_____________________________________________________________
License: Creative Commons Attribution 2.5 South Africa
URL: http://creativecommons.org/licenses/by/2.5/za/

Name and version: NCHLT Clean Sesotho Text Corpus v2.0

Attribute work to: South African Department of Arts and Culture & Centre for Text Technology (CTexT, North-West University, South Africa)

Attribute work to URL: http://www.nwu.ac.za/ctext 
______________________________________________________________

<fn>(1124200875942 AM) GEMS_APP(SESOTHO).txt</fn>
Bala tataiso ya ho etsa kopo leqepheng la 7 ka hloko, kaha e tshwere tlhahisoleseding ya bohlokwa e tla o thusa ho tlatsa foromo ya kopo ka nepo.
tlatsa foromo ya kopo e leqepheng le latelang mme o netefatse hore o kenyeleditse ditokomane tsohle tse lokelang le tshaeno ya hao moo e hlokehang.
Ditsi tsa tikoloho tse ka etelwang: Sheba tataiso ya ho etsa kopo leqepheng la 7 bakeng sa dintlha tse feletseng.
Haeba kopo ya hao e atlehile, GEMS e tla o romela pakana ya kamohelo ka poso nakong ya matsatsi a 7 kamora hore e amohele kopo ya hao.
Kopo ya hao e tla diehiswa haeba o sa fane ka ditokomane tsohle tse hlokehang ho GEMS.
haeba kopo ya hao e sa kgona ho sebetswa, GeMs e tla ikopanya le wena nakong ya matsatsi a 15 kamora hore e amohele kopo ya hao.
Ka kopo ikopanye le setsi sa mehala nomorong ya 0860 00 4367 kapa ka imeile ho enquiries@gems.gov.za haeba o hloka thuso efe kapa efe e nngwe mabapi le ho tlatsa foromo ya hao ya kopo.
Netefatsa hore o fana ka ditokomane tsohle tsa tlatsetso tse hlokehang.
Ka kopo sheba Karolo ya B ya tataiso ya kopo leqepheng la 7 e le ho netefatsa hore batho bao o ba hlahisang e le baphedisuwa ba hao ba na le tokelo e jwalo.
Ka kopo etsa kgetho E LE NNGWE FEELA YA DIHLAPISO lenaneng le ka tlase mona ebe o tshwaya boloko bo lokelang ka X.
Dipusetso tsohle tsa tjhelete ya tleleime ka sekgahla sa Sekema le ho latela melawana ya Sekema.
Bakopi ba hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa motheo wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi o esong ho hulwe ditjeho. Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Bakopi ba mapenshenara: Ka kopo bontsha penshene ya hao ya kgwedi le kgwedi.
Na o setho kapa mophedisuwa wa sekema sa bongaka se ngodisitsweng?
haeba o re ee, na o setho se ka sehloohong kapa o mophedisuwa?
Haeba o le setho/mophedisuwa, ka kopo hokela setifikeiti sa hao sa botho ho tswa sekemeng sa bongaka sa pele sa hao se netefatsang letsatsi la qetelo (dikarete tsa botho di le ding feela ha di a lekana). O tlameha ho netefatsa hore botho ba hao sekemeng sa bongaka sa hao sa nako e fetileng bo hlakotswe.
Ditlatsetso tsa setho se sebetsang di hulwa ka tsela e iketsang meputsong ya tsona moo ho hlokehang.
Haeba o kgetha ho lefa ka tsela ya debite otara ha o hloke ho tlatsa Dintlha tsa Banka tsa Setho ka tlase mona (Karolo ya H).
Dintlha tsa akhaonto ya banka: Di hlokeha bakeng sa ho kgutliswa ha tjhelete ya setho ka kotloloho, le ho kgutliswa ka kotloloho ha tjhelete e kolotwang ke nna sekemeng.
tlhahisoleseding efe kapa efe ho ba taolo ya tlhokomelo ya bongaka, boemong bofe kapa bofe bo sa hlahiseng lebitso, e hlokehang ka mabaka a tsamaiso le dipalopalo, haeba tlhahisoleseding e jwalo e tla tshwarwa ka sephiri ka dinako tsohle.
Ho bohlokwa ho fana ka tumelo ho GEMS le/kapa baemedi ba yona hore e rerisane le di/ngaka tsa hao, sepetlele kapa mofani ofe kapa ofe wa tlhokomelo ya bongaka ho netefatsa hore o fumana tlhokomelo ya bongaka e lokileng ka ho phethahala.
E Dikateng tsa foromo ena ke nnete, di nepahetse mme di phethahetse. Haeba ho ka ba le ho se hlahiswe hofe kapa hofe ha tlhahisoleseding kapa ho hlahisa taba e siyo jwalo ka ha eka ke nnete, ke utlwisisa hore botho ba ka bo ka fediswa mme nka kotjwa ho buseletsa sekema, tjhelete efe kapa efe eo, haeba ke ne ke sa sebedisa dihlapiso kapa melemo efe kapa efe ya sekema, e ka beng e sa sebediswa lebitsong la ka, ho ipapisitswe le melawana ya boipiletso.
E Ke entse kgetho ya ka mme ke ikgodisitse mabapi le sebopeho sa dihlapiso tse tlasa kgetho ena.
E Ke dumela ho ithuta ka botlalo melawana ya Sekema sena.
E Majalefa a ka, ntle le molekane/monyalani wa ka, ba itshetlehile ho nna ka ho phethahala kapa ka tsela e itseng le ho fihlela boemo boo ka bona ba sa amoheleng moputso wa selemo le selemo o kahodimo ho moedi wa penshene o sebetsang kapa ba sa hirwa ka nako yohle ka letsatsi la ho saenwa ha foromo ena.
E Ke a tseba hore GEMS e ka beha dinako tse akaretsang tsa ho ema le/kapa dinako tsa ho ema tse nang le dipehelo, jwalo ka ha Molao wa Dikema tsa Bongaka (131 wa 1998) o bolela.
E Ke utlwisisa hore dintlha tse mabapi le nna le tlhahisoleseding ya bongaka e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bongaka ka tumelo ya ka e hlakileng e tla bolokwa sephiring.
E Ke hlokometse hore tlhahisoleseding ya sephiring ya ka le baphedisuwa ba ka e ka sebedisetswa merero ya risetjhe, data ya dipalopalo, tlhokomelo e laolwang le ditlaleho mme ketso efe kapa efe e sa ikamahanyeng le sena e tla ba tshenyo ya sephiri.
E Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore GEMS e batle ho sebedisa tlhahisoleseding ya ka kapa ya baphedisuwa ba ka ya sephiring bakeng sa merero e meng ntle le e fanweng boikanong bona, GeMs e hlokwa ho fumana tumelo e nngwe ho nna le baphedisuwa ba ka.
E Ke utlwisdisa hore tlhahisoleseding ya ka bo-nna le e mabapi le bophelo bo botle ba ka di ke ke tsa sebedisetswa mabaka a mang a kgwebo a nang le kamano kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
E Ke utlwisisa hore GEMS e fane ka phihlello ho batho ba itseng kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona tlhahisoleseding ya setho bosona le tlhahisoleseding ya bongaka ya bona.
E Ke utlwisisa hore GEMS le batho ba kathoko ba sebetsang le yona ba tla sebedisa mokgwatshebetso wa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo bo botle/tlhahlobo ya bongaka bakeng sa merero e latelang - ho sebetsana le foromo ya kopo ya botho, puseletso ya tjhelete ya ditleleime, ho fumana tokelo ya ditho mabapi le ho fumana dihlapiso le tshebetso ya taolo ya mathata.
E Ke utlwisisa hore GEMS e kene ditumellanong tsa sephiri le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa (beneficiaries) a sekema bakeng sa merero ya phetiso le taolo ya data, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
E Ke utlwisisa hore basebetsi ba GEMS le batho ba kathoko bao e sebetsang le bona ba tlangwa ke ditumellano tsa kahare tsa sephiri.
E Ke utlwisisa hore GEMS e tla netefatsa hore mehato e lekaneng ya tshireletso ya data e madulong.
E Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, GEMS e jara boikarabello ba sena mme ho senngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa GeMs.
E Ke ikana hore nna le mo/baphedisuwa ba ka re tla ikamahanya le melawana le diprothokole tsa GEMS.
E Ke dumela mona ka tsela e sa tlo hlakolwa hore GEMS e kenye tshebetsong tefello ya ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi hanghang ho tloha ka letsatsi leo ke keneng ka lona.
E Mona ke fana ka tumello ka tsela e ke keng ya hlakolwa hore mohiri wa ka/GeMs a hule moputsong/ akhaontong ya banka ya ka tjhelete efe kapa efe eo ka molao ke e kolotang GeMs le ho lefa ho GeMs kapa baemedi ba yona ditjhelete tsena tse hutsweng.
E Nna kapa baphedisuwa bafe kapa bafe ba ka ha re majalefa a sekema se seng hape sa bongaka se ngodisitsweng.
E Ke tla tsebisa Sekema ka diphetoho dife kapa dife boemong ba mophedisuwa wa ka kapa boemo ba ka bo-nna, jwalo ka ha ho hlokeha tlasa melawana ya Sekema, nakong ya matsatsi a 30 kamora ho fetoha ha maemo.
E Ke tla tsebisa GEMS bonyane dihora tse 48 pele ho kamohelo e seng ya tshohanyetso sepetlele. Ke ananela hore ho hloleha ha ka ho ka baka hore karolo ya tefo e etswe ke nna.
E Ke ananela hore Sekema/baemedi ba sona ba tla lefa feela ditleleime tseo ba nkang di nepahetse mme di ikamahanya le melawana.
E Melawana e tla dula ka nako yohle e sebetsa mme ke amohela hore mangolo, masedinyana le dibukana ha di na ho nka sebaka sa melawana ya sekema.
E Ke dumela hore dipuisano dipakeng tsa ka le Sekema kapa mahlakore a keneng konterakeng le sona di ka rekotwa.
E Dintlha tse mabapi le tlhahisoleseding ya bongaka ya setho e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bophelo ka tumelo e hlakileng ya setho di tla bolokwa sephiring.
E tlhahisoleseding ya ditho (ya bobona kapa bophelo ba bona) e keke ya sebedisetswa merero ya kgwebo ya khampani kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
E ho na le mehato ya tshireletso e behilweng madulong.
E Phihlello e fanwa ho batho ba kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona, molemong wa tlhahisoleseding ya majalefa le bophelo ba bona.
E sekema le batho ba kathoko ho sona ba nang le konteraka le sona ba tla sebedisa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo/tlhahlobo ya bophelo/mekgwatshebetso e fanweng bakeng sa merero e latelang: ho sebetsana le kopo ya botho, puseletso ya ditleleime, ho fumana tokelo ya setho hodima dihlapiso le taolo ya tshebetso ya menyetla ya kotsi.
E Basebetsi bohle kahara sekema le batho ba kathoko bao e sebetsang le bona ka konteraka ba tlangwa ke ditumellano tsa kahare tsa sephiri.
E Sekema se netefaditse hore ditumellano tsa sephiri di fihletswe le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa bakeng sa merero ya phetiso le taolo ya data, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
E haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, sekema se jara boikarabello ba sena mme ho senngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa sekema.
Ka kopo letsetsa ho 0860 00 4367 haeba o sa amohela netefatso ya botho ba hao ho GEMS nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso.
Ka kopo se ke wa kgutlisa bukana ena ya tataiso mmoho le foromo ya hao ya kopo e tlatsitsweng.
Khopi ya ID ya setho se ka sehloohong.
Diforomo tsa M2 le Z583, haeba o le mopenshenara le/kapa mosebeletsi wa nako e fetileng wa mmuso.
Lengolo la netefatso ya tshehetso ya tjhelete sabsidi le tswang ofising ya Matlotlo a Naha National treasury, haeba le fumaneha.
Setifikeiti sa botho se tswang sekemeng sa pele sa bongaka se nang le letsatsi la qetelo.
Tshaeno ya hao moo ho hlokehang (Dikarolo tsa H, I le J).
KAROLO YA A: DINTLHA TSA SETHOO tlamellwa hore o tlatse tlhahisoleseding yohle Karolong ya A, moo ho hlokehang.
Nomoro ya hao ya Persal e fumaneha setlankaneng sa hao sa moputso. Mapenshenara: Ka kopo ela hloko hore nomoro ya hao ya Penshene e hlahella mangolong a hao kapa Setifikeiting sa Penshene se tswang Ofising ya Matlotlo a Naha.
Ka kopo bontsha lebitso la mohiri wa hao wa hajwale le khoutu ya setheo. Khoutu ya setheo sa hao e ka fumanwa ho tswa setlankaneng sa hao sa moputso, haeba o mosebeletsi wa mmuso.
Ka kopo tlasa dintlha tsa baphedisuwa ba hao Karolong ya B ya Foromo ya kopo.
ha ho baphedisuwa ba bang ntle le ba boletsweng tafoleng e ka tlase mona ba tla ba le tokelo ya ho ba ditho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo, kapaTemoso: Haeba lenyalo e le la setso, afidavite e tswang ho setho e netefatsang boikarabello ba setho ho molekane wa hae.
Khopi ya tlameho ya molao ho fana ka tshehetso ya tsa bongaka tlasa tumellano ya tlhalano.
Afidavite e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete ba molekane hodima molekane wa hae eo e leng setho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo. Temoso: Haeba fane ya ngwana e fapane le ya setho, afidavite e tiisang tlameho ya setho ho ngwana eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha.
haeba ngwana e le sekowa sa kelello kapa sekowa mmeleng: Bopaki ba kgolofalo bo tswang ho ngaka (tlaleho ya tlhahlobo e lokelang -ho tlatswa ke Ngaka) le Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.
haeba ngwana e se moithuti kapa e se sekowa: Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.-Temoso: Haeba fane ya ngwana e fapane le ya setho, afidavite e tiisang tlameho ya setho ho ngwana eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha.
Afidavite e tswang ho setho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa (beneficiary) hodima setho. Temoso: Batswadi ba lenyalong le maqheku a lenyalong ba ka ngodiswa haeba molekane ebile hape e le mojalefa ya ngodisitsweng.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba setloholo hodima setho.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana wa habo setho hodima setho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho) Temoso: Ke ngwana wa habo setho se ka sehloohong feela ya ka ngodiswang e le mojalefa.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana/bana wa habo setho hodima setho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho le ngwana wa habo sona, moo ho hlokehang) Temoso: Ke bana ba ngwana wa habo setho se ka sehloohong feela ya ka ngodiswang e le mojalefa.
Diafidavite tse boletsweng ka hodimo mona tse lokelang ho tlatswa mmoho le lethathama la dipotso tsa bongaka bakeng sa dikowa di fumaneha webosaeteng ya GEMS ho www.gems.gov.za kapa di ka fumanwa ka ho letsetsa nomoro ya mehala ya setsi ho 0860 00 4367.
E Haeba o lokela ho romela afidavite o hloka ho ya seteisheneng sa sepolesa se haufi le wena kapa mothong ofe kapa ofe ya nang le matla a bohlapantshi ho netefatsa hore tlhahisoleseding eo o fanang ka yona ho GeMs ke nnete mme e nepahetse.
E Isa "Foromo ya tlhahlobo ya ngaka (ya Bokowa)" ho ngaka e lokelang ebe o mo kopa hore a e tlatse. Tshebetso eo e tla lefellwa ke letlole la tefo ya dingaka bakeng sa ditho tse ngodisitsweng. Ditho tse sa ngodiswang di hlokwa ho lefella ditjeho tsa tshebeletso ena ya ngaka ka tjhelete ya tsona.
E Ka kopo etsa kgetho ya hao ka hloko, hobane ha o na ho kgona ho fetola kgetho ena hara selemo ntle le tumello ya Boto ya Batshwaredi.
E Dihlapiso tsa hao tsa kantle ho sepetlele le tsa boloko di tla lefuwa ho latela botelele ba nako haeba letsatsi la hao la keno e se la 1 Pherekgong. Sena se bolela hore meedi ya dihlapiso tsa hao e tla sebetswa ho latela nako e setseng ya botho ba hao selemong seo ho tloha ka nako eo o neng o kena. E o tla kgona ho fetola kgetho ya hao qetellong ya selemo se seng le se seng ka letsatsi la pele la selemo se latelang.
O hloka ho bontsha letsatsi leo o batlang ho kenela GEMS ka lona Karolong ya D ya Foromo ya kopo.
E Letsatsi la kamohelo la hao le tlameha ho ba letsatsi la pele la kgwedi.
E hohle moo ho kgonehang, netefatsa hore letsatsi la kamohelo ya hao ho GeMs ka kotloloho le latela letsatsi la ho hlakolwa la sekema sa hao sa bongaka sa pele, kaha ho kgaoha ha botho ho ka ama sabsidi ya hao ya mohiri.
E haeba ho se letsatsi le kentsweng, letsatsi la hao la boitokollo le tla sebetswa ka tsela e iketsang ho qala ka letsatsi la pele la kgwedi e latelang hore ho se be le ditefello tse saletseng morao tse bang teng. E haeba letsatsi la ho kena le kgethilweng ke wena le baka hore ho be le ditefello tse saletseng morao, di tla hulwa moputsong wa hao kapa akhaontong ya banka (haeba e le teng). E Bakeng sa basebetsi ba batjha, letsatsi la ngodiso la hao e ke ke ya eba le tlang pele ho letsatsi la hao la kgiro.
Matlotlo. haeba o na le khopi ya lengolo la ba Matlolo a Naha (National treasury) bakeng sa sabsidi ya hao, ka kopo le hokele foromong ya kopo, kaha le tla o dumella ho ngodisa ha bonolo.
Bakopi ba Hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha pakana ya hao ya kgwedi le kgwedi e esong ho hulwe ditjeho.
Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Ka kopo hokela setifikeiti sa botho ba hao se nang le letsatsi la qetelo ho tswa setheong sa bongaka sa hao sa pele.
E Molao o laela hore wena le baphedisuwa ba hao le se ke la ngodiswa dikemeng tsa bongaka tse fetang bonngwe ka nako e e le nngwe.
E Ka kopo ikopanye le sekema sa bongaka sa pele sa hao mme o ba kope ho o fa setifikeiti sa botho se nang le letsatsi la qetelo jwalo ka bopaki ba botho ba hao.
E Ka kopo hlokomela hore haeba setifikeiti sa hao sa botho se sa bontshe letsatsi la qetelo, ha re na ho kgona ho se sebedisa. hopola ho tlatsa le ho romela lengolo la ho kgaolwa hore ho hlakolwe botho ba hao sekemeng sa hao sa pele sa bongaka, haeba o eso etse jwalo.
E Haeba o sa kgone ho fumana setifikeiti sa botho, re tla amohela lengolo la phediso ya botho le ngotsweng pampiring ya sekema sa bongaka sa hao sa pele, e le bopaki ba boitokollo. E haeba o thulana le bothata mabapi le ho emisa kgulo ya ditefello e etswang ke sekema sa bongaka sa hao sa pele moputsong wa hao, ka kopo ikopanye le Moofisiri wa Tshwaro ya Basebetsi (HR) hore a emise kgulo ena ka boyena moputsong wa hao.
Ka kopo netefatsa hore o badile dikarolo tsena ka hloko pele o saena dikarolo tsena foromong ya hao ya kopo.
Ka kopo hlokomela: Foromo ya hao ya kopo e ke ke ya sebetswa ntle le tshaeno ya hao.
haeba o etsa kgetho ya sapphire kapa Beryl, o hloka ho lemoha hore tsena ke dikgetho tsa netweke. sena se bolela hore baphedisuwa ba hao le baphedisuwa ba bona ba hloka ho sebedisa feela bafani ba tlhokomelo ya bophelo ba netweke ya Prime Cure. Ngaka/ngaka ya meno ya hao ya hajwale e ka nna ya se hlahelle jwalo ka mofani wa tlhokomelo ya bongaka lenaneng la netweke ya Prime Cure. Haeba ho le jwalo, o hloka ho letsetsa setsi sa mehala sa GEMS nomorong ya 0860 00 4367 ho fumana mofani wa tshebeletso sebakeng sa heno.
Haeba wena kapa ofe kapa ofe hara baphedisuwa ba hao a na le HIV/AIDS, ho ka ba molemong wa hao hore o kenele lenaneo la taolo la GEMS HIV/AIDS ka ho letsetsa "Aid for AIDS" ho 0860 100 608. Lena ke lenaneo la sephiri, mohiri kapa sekema ba ka fumana tlhahisoleseding ya monkakarolo.
Meriana ya nako yohle e fanwa ho alafa mafu a sa foleng jwalo ka kgatello e phahameng ya madi kapa asma mme e nowa nako ya bophelo bohle.
GeMs e fana ka dihlapiso tse feletseng tsa meriana ho ditho tsohle tsa yona. e le hore o be le tokelo ya ho fumana meriana e nowang bophelo bohle o tlameha ho ingodisa lenaneong la meriana ya nako yohle, kamora hore o fumane tsebiso ya hore o setho se ngodisitsweng sa GeMs.
E Meriana e sebediswang nako yohle ho alafa mafu a sa foleng a holofatsang a amang tlhahiso le boleng ba bophelo ka tsela e kgolo; le E Meriana e theko e boima ya nako e kgutshwane e tla thibela kalafo e nngwe e theko e boima, jwalo ka ho amohelwa sepetlele.
Haeba o le kgethong ya Sapphire kapa Beryl, ngaka ya hao ya netweke ya Prime Cure, kamora ho tiisa tlhahlobo ya hao ya bongaka, e tla jara boikarabello ba ho ngodisa bokudi ba hao ho GeMs le ho fumana tumello bakeng sa meriana ya hao ya nako yohle.
hang ha o se o ngodisitswe lenaneong meriana ya hao e dumeletsweng e tla lefellwa ka botlalo, ha feela o reka meriana eo khemiseng ya netweke ya Prime Cure kapa ka khemise e isang meriana malapeng. Ngaka ya hao ya Prime Cure e tla o thusa mabapi le ditlhophiso tsena.
Ka kopo hlokomela hore ke meriana e teng tlhophong ya meriana ya Sapphire le Beryl feela e tla kenyeletswa.
hang ha ngaka ya hao e o hlahlobile le ho tlatsa foromo ya kopo, o hloka ho romela foromo ka fekse mmoho le lengolo la meriana la ngaka le phetwang ho 0866 51 8009 bakeng sa ho sebetswa. Ho seng jwalo o ka di romela ka imeile ho chronicDSP@gems.gov.za. Kamehla netefatsa hore kopo ya hao e tlatsitswe ka ho phethahala le ho saenwa ke bobedi wena le ngaka ya hao.
sehlopha sa dingaka se tla hlahloba dintlha tsa hao mme haeba ho hlokeha ba tla ikopanya le ngaka ya hao (ka founu kapa ka lengolo) ho kgetha meriana e lokileng ho feta le/kapa e ditjeho di tlase. sMs e tla romelwa ho sena ho bontsha boemo ba kopo ya hao (kamohelo le tumello). Kopo ya hao e tla nka matsatsi a ka bang a supileng a tshebetso hore e sebetswe.
E Foromo e kathoko ya kopo ya meriana ya nako yohle e tlameha ho tlatswa bakeng sa setho ka seng sa lelapa se hlokang meriana ya nako yohle. E Boloka khopi ya foromo e tlatsitsweng ya hao bakeng sa direkoto tsa hao. E hokela diteko/diphuputso tse kgethehileng tse tshehetsang (tse hlokehang) ho thibela ditiehiso mabapi le ho sebetswa ha kopo ya hao.
Dihlapisong tsa Meriana ya Nako Yohle tsa hao. Lengolo lena le bontsha hore ke meriana efe e dumetsweng Lenaneng la Meriana e Dumeletsweng (Medicine Price List - MPL) le meriana e tla hloka ditefello tse kathoko ntle ho tse fanweng tlhophong. Dikgetho tse ding, tse sa tlo baka tefello e kathoko ho tlhopho e fanweng, di a fumaneha. Ka kopo tshohla kgonahalo ya ho sebedisa sehlahiswa se seng mmoho le ngaka e laolang meriana ya hao haeba o batla ho qoba tefello ena. haeba meriana e dumeletsweng e fapane le meriana e kopilweng, lengolo la tlhaloso le tla kenyeletswa mmoho le lengolo la tumello mme khopi e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao.
haeba kopo ya hao e hannwe, o tla romelwa lengolo mme khopi ya lona e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao. haeba tlhahisoleseding e nngwe ya bongaka e hlokeha, kopo ya hao e tla hlahlojwa hape hang ha tlhahisoleseding e hlokehang e amohetswe ho tswa ho ngaka ya hao.
Haeba meriana ya hao ya kamehla e fetoha ka tsela efe kapa efe, o hloka ho tsebisa GEMS.
Mokonsaltente wa DSP wa GEMS bakeng sa Meriana ya Nako yohle o tla ikopanya le wena nakong ya dihora tse 48, ho etsa ditlhophiso tsa thomelo ya meriana ya hao.
ha foromo ya hao ya kopo e sebeditswe, o tla amohela sMs e netefatsang kamohelo ya kopo ya hao. o tla tsebiswa haeba o ditokomane dife kapa dife tsa tlatsetso di hlokeha hore kopo ya hao e phethelwe.
ha ngodiso ya foromo ya hao ya kopo e phethilwe, pakana ya setho e kenyeletsang dikarete tsa hao tsa ho ba setho le tataiso e feletseng ya setho e tla romelwa atereseng ya hao ya poso.
<fn>(128200995541 AM) Sesotho.txt</fn>
Re se re fihlile mafelong a mariha a malelele, moo re ileng ra feta ditemperetjheng tse batang haholo tsa Highveld, difefo tse ileng tsa hlasela Kapa le vaerase e ntjha ya mokakallane e ileng ya etsa hore batho ba lefatsheng lohle ba batle tlhokomelo ya bongaka.
Ha re ne re ntse re qhaqhasela mariheng ana a sa tswa feta, GEMS yona e ne e ntse e eketsa ditho tsa yona ka baamohedi ba fetang milione. Re ile ra ba le Kopano e Akaretsang ya Selemo e atlehileng haholo Nelspruit, ra fana ka diphetho tse ntle tsa ditjhelete, ra thakgola le webosaete e ntjha ya DotMobi le ditshebeletso tse ntjha tsa ditho tse kenyeletsang SMS Benefit Lookup, Lenaneo la ho Beleha le Tshebeletso ya Tekolo ya Bophelo bo Botle ya GEMS. O ka bala ho feta ka tsena phatlalatsong ena ya facets.
Haesale e qalwa, GEMS ka nnete e phethile thomo ya yona ya ho eketsa, melemo ya bophelo bo botle ba maemo basebetsing ba mmuso.
Ka palo e fetang milione ya baamohedi ba ngodisitsweng, GEMS jwale e sireletsa 2% tsa batho ba Aforikaborwa. Ha o nahana hore 55% tsa ditho tsa GEMS di ne di sa sireletswa mehleng e fetileng, ke ntho ya bohlokwa ho elellwa hore GEMS e kgothaleditse Sekimi wa bongaka bathong ba ka bang 1% dilemong tse tharo.
Dikeletso tsa ho phela hantle: -Ho kgona ho phela le kgatello e matla ya kelello -Ditemoso tsa ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle -Qalella!
Re ile ra futhumatswa hape mariheng ana ke mangolo a mangata a re amang maikutlo a tswang dithong naheng ka bophara e le tlhodisano ya GEMS Sisonke. Re lebohela dipale tse ngata tse monate tseo le re phetetseng tsona. Mangolo a mofuthu ao re a fumaneng ke bopaki ba hore GEMS e na le mosebetsi o moholo oo e ka o etsang ho ya ka bophelo bo botle le phomolo ya maikutlo ya ditho tsa yona. Ke taba e ntle ho tseba hore GEMS haesale e ntse e tswela pele ho thusa ditho ha ba re hloka. Re lebeletse ho o phetela tse ding tsa dipale tsena diphatlalatsong tsa kamoso tsa facets.
Bahlodi ba tlhodisano ya GEMS Sisonke ba tla tsebiswa hamorao phatlalatsong ena. Kantle le ho utulla makunutu, ke rata ho lebohela bahlodi ba tlhodisano le setho se seng le se seng se ileng sa kenya letsoho.
Mariha hangata a latelwa ke bophelo bo botjha bo kgathollang ba selemo! Ke ka bona "bophelo bona bo botjha" ke leng motlotlo ho tlisetsa ditho phatlalatso ena ya kotara ya boraro ya facets.
Ke sa kgotsofalla dikatleho tsa nako e fetileng, ke motlotlo ho tsebisa hore phatlalatso ya hao ya kotara ya bobedi ya facets jwale e teng ka eleketeroniki webosaeteng ya GEMS ka dipuo tsa mmuso tse 11 tsa Aforikaborwa. Selemong sa 2012 re tla be re na le tsebiso ya Sekimi sohle ka dipuo tsohle tsa mmuso.
Ke tshepa hore o tla natefelwa ke phatlalatso ena ya facets.
Ho phela ka HIV/AIDS ke taba ya hao o le mong mme ho tseba ka yona ha ho bolele hore o phatlalatse mathata a hao.
Aid for AIDS (AfA) ke Khampani ya Taolo ya Bohloko ba HIV/AIDS e sebeletsang GEMS ho o thusa ka tshehetso ya sephiring eo o e hlokang ha o na le HIV. Ba ka o thusa le bona ha o hloka tsebo e nngwe hape ka Bohloko.
Eunice , eo e leng titjhere, o ile a tseba ka Bohloko ba hae dilemong tse supileng tse fetileng ha a ne a etsa qeto ya ho ya hlahlojwa kamora hoba e mong wa lelapa a hlokahale. "Taba e bohloko ka ho fetisisa ke ho tseba Bohloko ba hao. Ho ingodisa lenaneong la Taolo ya Bohloko ba HIV la GEMS, le laolwang ke AfA, ho ile ha bolelwa hore ke tla fumana ditataiso le dikeletso dingakeng tsa ditsebi mme ke tla kgotsofala."
Le ha ho bile le mafu kapa diketsahalo tse itseng ka Bohloko bona, ho na le mokgwa wa ho phela. "Ke ne ke kula ebile ke kgathetse ke ikutlwa ke tetebetse maikutlo ka taba ena," Eunice o realo. "Ke ne ke sa kgone ho robala bosiu hobane ke ne ke tshwenyehile haholo. Yare ha ke ingodisa lenaneong la AfA, ba ne ba mmamela ebile ba na le kutlwisiso. Ba ile ba ntlhalosetsa hore ho ba le HIV le ho se nwe meriana efe kapa efe, ha ho hlokeha, ho tshwana fela le ha o siya mamati le difensetere tsa ntlo ya hao di sa notlelwa, empa o tseba hore disenyi di tla tla. Ke ne ke thabile hore ke be le boikarabelo bona, le ha ke ne ke tseba hore ha se phoso ya ka hore ke be le HIV."
Ho na le batho ba bangata ba tshwanang le Eunice, ba entseng qeto ya ho ba le boikarabelo ba bophelo bo botle ba bona hobane ha ba batle ho bolawa ke HIV. AfA e fana ka ditshebeletso tsohle tsa bongaka tseo o di hlokang. Hape e o tsebisa ka Bohloko boo o sa bo hlokomeleng.
Sifiso , eo e leng tlelereke ya taolo, o ile a fumana hore AfA e mo thusitse haholo hore a tsebe ho phela hantle kamoo a btalang ka teng. "Ba ile ba ntsebisa ka "Positive Living" (Ho phela ka Tshepo) e mpontshitseng kamoo nka phelang bophelo bo botjha ka teng. Ke tsebiswa kamoo nka bolokang dintho tsa ka di hlwekileng ka teng le ho hlatswa ditholwana le meroho ya ka hore ke se ka tshwaetswa ke baketeria efe kapa efe. Ba mpolelletse hape le hore ke dijo dife tse ntoketseng hore nka di ja le hore ke hloka ho ikwetlisa le ho robala ho le hokae. Hantlentle, ke ikutlwa ke le betere haholo jwale ho ena le pejana. Ho a makatsa, ke ikutlwa eka ke hona ke qalang qalong bophelong."
Lenaneo la Taolo ya Bohloko ba HIV la GEMS le laolwang ke AfA, le thusa Eunice le Sifiso hore ba tsebe, ha Moralo ona o hlokometse dintho tsa bohlokwa. Phekolo e lekolwa ka dinako tsohle ho sa qeaqewe hore ho tle ho fihlelwe boemo bo hodimo ba bophelo. Dingaka le moifo wa laboratoring ba etsa bonnete ba hore mokudi e mong le e mong o fumana moriana o nepahetseng e le hore bophelo ba bona bo tswele pele ka tlwaelo. Mokudi ka mong o eletswa ka mokgwa o kgotsofatsang, hobane bophelo ba bona ba maikutlo le ba kelello ha se ba bohlokwa fela ho bona, empa le ba bao ba ba ratang. "Pele ke ingodisa lenaneong la AfA kamehla ke ne ke dula tshwenyehile hobane ke ne ke tseba hore ke na le HIV mme ba lelapa ba ne ba bona hore ke tetebetse maikutlo.. E ne eka re wetswe ke leru le letsho leso mme ke ne ke bona eke ke molato. Jwale hobane ke fumana Phekolo ka Dilwantshamahloko maemo a kgutletse setlwaeding hape lapeng. Le ha ho le jwalo ke tlamehile ho phela ka tsela e nngwe hanyenyane, empa ho tla ntswela molemo. Nka mpa ka iteka ho ho nwa moriana ka nako e behilweng mme ke apare jeresi ha ho bata, ho e na le ho itlohella hore ke shwe," ho realo Sifiso.
Ho tshoha ha ho so thuse mang kapa mang! Ho etsa hore ho be hobe le ho feta.
Dikgokahano di a sitiseha, ha ho be le ho utlwisisa mme ho etswa diqeto tse sa thuseng. Sena ke se etsahalang hona jwale naheng ya rona le lefatsheng lohle ka "swine flu", "mexican flu" kapa vaerase ya H1N1, le ha ho bile le boiteko ba sebele bo entswang ke diporofeshenale tsa bongaka ho tsebisa setjhaba ka dintlha tsa bohloko.
Ha o sheba sekgahkla sa ba hlokahalang le sekgahla sa mathata a ho kula, ha e kotsi hakaalo ho e na le mokakallane wa dinako tse itseng tsa selemo. Ke nahana hore ke taba ya bohlokwa hore batho ba tsebe hore mokakallane wa nako ya selemo o ka baka ho kula haholo, jwalo ka nyumonia. O ka fumana mathata ka mokakallaneng wa nako ya selemo mme batho ba hlokahala ka baka la ona selemong se seng le se seng.
Ho ya ka NICD, ho na le dipehelo tse ngata tsa mokakallane wa nako ya selemo ho feta swine flu naheng ha jwale. Lebaka le etsang hore swine flu e bake ho tshwenyeha haholo ke hobane ke vaerase e ntjha. Batho ha ba sireletseha ho yona jwaloka divaeraseng tse ding tse tsejwang tsa mokakallane, tseo ba seng ba fetile ho tsona. Leha ho le jwalo, jwalo ka mokakallane wa nako ya selemo, swine flu e se ke ya nkuwa habobebe.
Swine flu e hlahella jwalo ka mokakallane wa nako ya selemeo ka matshwao a mangata a tshwanang a jwaloka feberu, hlooho e opang, tshwaetso ya dikarolo tsa phefumoloho, ho kgohlola le ho tswa mamina. Swine flu hape e fapane le mokakallane wa nako ya selemo ho ya ka matshwao a yona; ho ba le mahlaba ka sefubeng, letshollo le ho feroha dibete ho behetswe ka tsona. Bakudi ba bang ba bile le matshwao a matla ha ba bang bona, hantlentle ba bangata, ba ile ba eba le ho kula hanyenyane fela.
Ha o ka ba le matshwao ana a boletsweng mona ka hodimo, e ya Ngakeng ya hao pele o ka ya sepetlele kapa ho leka ho reka oseltamivir (Tamiflu), moriana wa swine flu. Leha dingaka tse ding di balletse hore ho sebediswe Tamiflu kantle le ho ba le bonnete ba tshwaetso, ba bang ba dumela hore ho nwa moriana ha o sa tshwarwa ke swine flu o tla o ba kotsing kamoso - ha o ntse o nwa mofuta ona wa moriana kgafetsa, divaerase di tla itshireletsa ha e hlasela. Hona ho bolela hore ha o ka ba le tshwaetso ya swine flu mme o hloka Tamiflu e ke ke ya sebetsa hantle jwalo ka ha e tshwanetse. Ka tsela e jwalo, ngaka e tsebang mosebetsi wa yona e ke ke ya kgothaletsa ho fana ka dilwantshamahloko mokuding, hobane hona ho tla theosa bokgoni ba bona ba ho itwanela tshwaetsong tsa baketeria.
NICD e eletsa hore tsela e phethahetseng ya ho qoba tshwaetso ya swine flu ke ho sebetsa ho ya ka mekgwa ya thibelo e tlwaelehileng ka molao. Dula o hlatswa matsoho a hao kgafetsa le ka mokgwa o phethehileng mme o eketse le ho nwa mokedikedi. O ka eketsa hape ka ho nwa divitamine C le D. Qetellong, etsa ntho ya bohlokwa eo o eleditsweng ka yona, e leng ya ho: apara diaparo tse mofuthu, e ja meroho ya hao e be o robala ka nako!
Na o rera ho ya pensheneng haufinyane Haeba o batla ho tswela pele ka botho ba hao ba GEMS, o lokela ho re tsebisa bonyane kgwedi e le nngwe pele o rera ho ya pensheneng ho etsa bonnete ba hore melemo ya hao ya tlhokomelo ya bophelo e tswela pele ntle e sa sitiswe hohang fela?
Ho re tsebisa ka nako ho dumella Sekimi ho o amohela o le motho ya phomotseng mosebetsing kgweding eo o tla ya pensheneng ka yona kantle ho mathata.
Haeba o setho sa kamehla sa Sekimi mme o kopa ho tswela pele jwaloka motho ya pensheneng, ha ho hlokehe hore o tlatse foromo e ntjha ya kopo.
Haebe o se o na le lengolo le tswang ho Letlole la Ditjhelete la Setjhaba (National Treasury) le tomelo ya thuso ya tjhelete ya hao jwaloka motho ya pensheneng, re kopa hore o re romelle yona le rona. Hona ho tla etsa bonnete ba hore re sebetse ka kopo ya hao ka ho phethahala ho ya ka moo ho ka kgonahalang.
Ditokomane tsohle tse hlokehang di tla romelwa Letloleng la Dipenshene la Basebetsi ba Mmuso Government Employee's Pension Fund GEPF ho a fumana tumello ya thuso ya tjhelete. Kopo ya hao e tla dula e ntse e eme jwalo ho fihlela re fumana tumello ya thuso ya tjhelete e tswang GEPF.
Leha ho le jwalo, o ka kgetha ho ba le melemo ya ditjhelete tsa hao hang hoba thuso ya tjhelete ya hao e dumelwe ke GEPF. Hang fela ha o dumela ho lefa 100% ya ditjhelete tsa diphehiso ho fihlela jwalo ka setho se pensheneng o amohetswe ka pele, haeba GEPF e o dumela hore o tla fumana thuso ya tjhelete, karolo ya thuso ya tjhelete eo o seng o e lefile e tla kgutlisetswa ho wena hape. Ha o ka etsa qeto ya ho sebedisa karolo ena, re kopa hore o tlatse foromo ya tumelo, eo o ka e bulang jwalo ka karolo ya foromo ya Kopo ya Motho ya Pensheneng e tswa webosaeteng ya www.gems.gov.za. O ka fumana hape le kgatiso ya diforomo tsena e tswang ho e nngwe ya diofisi tsa rona tsa mabatowa kapa ka ho letsetsa Sekimi ho 0860 00 4367.
Bala dikarabo tsa Dipotso tse Botswang Kgafetsa tse mona ka tlase hore o ithute ka molemo ona wa bohlokwa.
Ke molemo wa ho fihlela kae oo ke nang le ona wa ditshebeletso tsa meno?
Ditshebeletso tsa meno kantle ho sepetlele tsa ditho tsa Ruby di lefelwa 100% ho ya ka Sekimi mme di sebetswa ho ya ka Akhaonte ya Poloko ya Tjhelete ya Bongaka ya Setho Personal Medical Savings Account PMSA. Kgetho ena e fihlella fela ho R2 000 ho ya ka moamohedi ka mong ka selemo ho sebetseng meno o le sepetlele ka ho a boloka. Tshebeletso tse Ikgethang ya tsa meno sepetlele e sebetswa ho ya ka Bonyane Molemo wa ba Balletsweng Prescribed Minimum Benefits PMB.
Ditho tsa Emerald di na le molemo wa tsa meno o kopanetsweng ka ho sehelwa moedi wa R6 300 ho ya ka moamohedi ka mong dilemong tse ding le tse ding tse pedi ho ya ka khalendara. Dikopo di lefellwa ka 100% ya Sekimi. Hape ho na le mokgwa wa kgale le wa ho boloka wa ho sehela moedi o monyenyane wa R1 050 ho ya ka moamohedi ka mong. Ho sehela moedi tjena o kopanelwa le tshehelo ya moedi wa tshebeletso tsa meno tsa sepetlele mme o fumaneha dilemong tse ding le tse ding tse pedi tsa khalendara.
Molemo wa meno wa ditho tsa Onyx o na le ho sehelwa moedi o kopanetsweng o nang le tshebeletso tsa meno tsa sepetlele wa R10 418 wa moamohedi ka mong dilemong tse ding le tse ding tse pedi tsa khalendara. Dikopo hape di leshwa ka 100% ya Sekimi.
Bakeng sa boikgethelo bohle bo teng; ditho di na le tokelo ya ho falwa le ho bentshwa meno habedi ka selemo (e le nngwe dikgweding tse ding le tse ding tse tsheletseng) tse tla lefellwa ka tshehelo ya moedi kapa molemo wa motheo wa tshebeletso tsa meno.
Haeba teng ke hloka hlahlobo ya ho robatswa ka moriana?
O hloka tumello pele bakeng sa shebetso yohle e hlokang ho robatswa kapa ho thethefatswa ditho. Pele o ka ba mofuteng ona wa phekolo, ngaka ya hao ya meno e lokela ho fana ka mabaka a hlalosang hore ke ka mabaka afe ho hlokehang hore o ka robatswa kapa wa thethefatswa ditho. Ha baamohedi bohle ba leng ka hodimo ho dilemo tse 8 ba kena sepetlele ngaka ya meno e hlahlobang e tshwanetse ho fana ka mabaka.
Re kopa hore o etse bonnete ba hore o fumana tumello pele o kena sepetlele bonyane dihoreng tse 48 pele o hlahlojwa, kantle le haeba ho na le tlokotsi.
Ha o hloke tumello pele bakeng sa mosebetsi wa korone le borokgo; leha ho le jwalo, hona ho ya ka melawana ya Sekimi le diporotokholo tsa tlhokomelo e laolwang.
Teng haeba ke hloka tshebeletso tsa meno tse ikgethang?
Buisana le GEMS ho 0860 00 4367 pele o ka ba le hlahlobo ya meno e ikgethang, ho tiisetsa hore na o na le melemo le hore mokgwa wa tshebeletso o sireleditswe. Moralo wa phekolo o ngotsweng fatshe le tekanyetso ya ditjeo o tswang ngakeng ya hao ya meno e tla thusa ho lekanyetsa molemo wa hao e leng teng. Ena ke taba ya bohlokwa haholo pele o ka etsa oporeishene ya meno kapa wa phekolwa ka mokgwa o mong o tsamaelanang le oo. Dihlahlobo tsohle tsa malwetse a meno di lokela ho dumellwa pele. Mekgwa e meng ya tshebetso ya bongaka e ke ke ya dumellwa ka lebaka la melawana ya Sekimi le melawana ya tlhokomelo e balletsweng e laolwang. Mohlala ke ha ho kenngwa meno, ho sa kenyeletswang Sekiming.
Re motlotlo ho le tsebisa ka webosaete e diselefounung ya GEMS DotMobi - ntho e nngwe e ntjha ke tshebeletso e radilweng ke GEMS, ho ntse ho nahanwe ka wena.
Diphuputso di bontshitse hore batho ba bangata ba Aforikaborwa ba fihlella inthanete ka diselefounu tsa bona ho e na le sebedisa dikhomputara. Ke kahoo re entseng saete ena hore re be le bonnete ba hore ditshebeletso tsa inthanete tsa GEMS di fihlelwa ke ditho tsa yona tse ngata ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang ka teng.
Ka GEMS DotMobi, o tla kgona ho fihlela tsebiso ka dikopo tsa hao, melemo le tse ding tse ngata - kae kapa kae, le ha o se haufi le komputara. Phihlelo ya inthanete ka selefounu ya hao le yona ke tsela e nngwe e ditjeho di tlase ya ho fihlela webosaete - palohare ya leqephe la webosaete la GEMS DotMobi e tla ho ja pakeng tsa sente e le nngwe le tse nne ho e fihlella!
Fihlella dintlha tsohle tsa bohlokwa tsa Sekimi tsa ho buisana le bona.
Boholo ba tsebiso bo matleng a hao, bo fihlellwang habobebe ka ho tobetsa selefounung ya hao. Sheba phatlalatsong e tlang ya WEB SMART moo ho tla buuwa haholwanyane ka saete mme o tla fuwa le dikeletso tse ding tse itseng tsa bohlokwa.
Karolo ena e ka fumanwa haufi fela le boloko ba ditsebiso. Dipale tsena ke diqotso sa bohlokwa tse yeng di lebise ditshebeletsong tse ntjha tseo GEMS e fanang ka tsona, kapa tsebiso ya bohlokwa ya ditho, jwaloka tlhodisano e sa tswa feta ya GEMS Sisonke kapa ho tlhahiso ya tshebeletso ya Ho Sheba Melemo ka SMS (SMS Benefit Lookup).
tlhokomelo ya bophelo bo botle e ka thusang ka tlhokomelo ya bophelo e ntle ya hao le ba lelapa la hao.
Na o ikutlwa o na le kgatello e matla ya kelello mosebetsing Le ha kgatello e matla ya kelello e le karolo e tlwaelehileng ya kamehla eo o nang le yona, kgatello e matla haholo ya kelello e sitisa bokgoni ba hao ba ho sebetsa hantle mme e na ba kotsi mmeleng e maikutlong a hao?
Itlhokomele: Ho ntlafatsa bophelo ba hao bo botle mmeleng le moyeng ho tla thusa ho hlola kgatello e matla ya kelello. Ho ikwetlisa, ho ja le ho phela bophelo bo botle ke tsona dintho tsa bohlokwa. Qoba mekgwa le maikutlo a se nang tshepo: Hlwaya maikutlo a se nang tshepo a eketsang kgatello e matla kelelong ya hao ebe o sebetsana le ona. Ho etsahala kamora nako e telele. Beha dintho tsa bohlokwa pele mme o di hlophise: Lekanya bophelo ba hao o iphe nako e lekaneng ya mosebetsi le tseo e seng tsa mosebetsi, mme o fetisetse mosebetsi ho ba bang ha o kgona. Ntlafatsa dikamano mosebetsing: Dikamano tse ntle le bao o sebetsang le bona di ka fokotsa kgatello e matla ya kelello.
Jella ho phela: O se ke wa ja dijo tse ngata haholo ho feta tseo mmele wa hao o di hlokang. Eja mefuta e fapaneng ya dijo: Dijo tse tswang dihlopheng tsohle (diporoteine, setatjhe, dikhabohaedereite le mekedikedi) di a hlokeha. Leka tlhapi, matokomane, meroho le ditholwana tseo o sa di jeng kamehla. Eba le taolo: Ha o ja dijo tse nang le khalori e hodimo, kgetha tse qalang ho e na le dijo tse kgolo. Abelana dijo tsa hao le motswalle mme o se ke wa reka dijo tse ngata ho feta tekano. Eja ditholwana tse ngata, meroho, koro le dinawa: Leka ho ja tsenadi sa le ntjha ka ho ya kamoo o ka kgonang ka teng. Enwa metsi a mangata: Bongata ba rona re na le ho fellwa ke metsi mmeleng. Leka ho nwa bonyane dikgalase tse 6-8 tsa metsi ka letsatsi.
Fokotsa dijo tse tswekere, letswai le dihlahiswa tsa koro tse boreledi. Qoba seneke sa hara mpa ya bosiu.
Dikopanong tsa GEMS Wellness Screening Days tse ileng tsa tshwarwa mafapheng a lona, ho ikwetlisa e bile yona ntho e hlahisitsweng haholo eo le batlang hore e etswe. Bohle re a tseba hore ho ikwetlisa ho bohlokwa, empa re a tseba hape hore ho boima ho qala. Ke ana a mang a maele a ho O thusa hore o qalelle, ho leba bophelong bo botle.
Ho bonolo: O se ke wa lebella ho hongata haholo ho tswa ho wena! Qala butle e be o ya ka lebelo la hao. Ho qala ka potlako le ha boima ho ka baka dikotsi mme o ka ikutlwa o hlotswe le pele o ka qala. Letsetsa motswalle: Ho ikwetlisa le motswalle, ka tlelaseng kapa sehlopheng ho ka thusa ho o boloka o kgothetse. Ho na le pheko ya ho ikwetlisa ya bohle: Ho sa kgathalehe hore boima ho le hokae, dilemo kapa boemo ba hao, empa o ka nna wa shahla le wena! Ho na le mananeo a ikgethang a dumellang batho ba sa holofetseng, kapa batho ba hlaphohelwa ho kuleng kapa oporeishene a ho ikwetlisa. Yoga le ho sesa ka bobedi di ntle haholo ho qoba kgatello e matla mesifeng le manonyeletsong.
Ela hloko: Dikeletso tsena tsa bophelo bo botle ha di emele keletso tsa bongaka tseo o di fuwang ke moabi wa hao wa tlhokomelo ya bophelo. Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho ja le ho phela bophelo bo botle, letsetsa mohala wa tlhokomelo ya bophelo ho 0860 00 4367.
Re bile motlotlo haholo ka mangolo ao re a amohetseng mme a re ama dipelo a tswa dithong tsa rona tse ileng tsa ngodisetsa tlhodisano ya GEMS Sisonke ka bongata bo boholo.
Ho bile hotle haholo ho fumana mangolo a mangata hakana a ikgethang. Re a le leboha kaofela ha lona ka ho ba le nako ya ho ingodisetsa tlhodisano ya GEMS Sisonke - re a le leboha ha le ile la re tsebisa hore re ntse re sebetsa hantle haholo ka ho etsa dintho ka nepo. Re ile ra angwa maikutlo haholo ke ditlhahiso tsa lona tsa kamoo GEMS e le sebeleditseng ka teng hoo re ileng ra hloleha ho kgetha mohlodi ya mong fela wa moputso wa pele (1st) le wa bobedi (2nd).
Bahlodi ba rona ba 1st Weekend break ya babedi ho kenyeletswa leeto ka sefofane, ho hirelwa koloi, marobalo le dijo porofenseng eo o ikgethelang babedi ba moputso wa pele yona.
Mary Gama, titjhere, ho la KZN, eo ngwana wa hae ya neng a le dibeke tse pedi o ne a kula haholo mme a na le mathata a ho hema. GEMS e ile ya hlophisa helikhopotara ho mo fofisa ho ya Pietermaritzburg Medi-Clinic moo a ileng a amohelwa sepetlele ka dibeke tse pedi. Kajeno ke ngwana ya shahlileng haholo ya dikgwedi tse robedi!
Suzan Malindi, eo e leng tlelereke ya taolo wa Mafatsane, eo ngwana wa hae wa ngwanana a ileng a tjheswa ke derepe kamora ho belehwa. GEMS e ile ya lefa ditshenyehelo tsohle mme ho yena e "tshwana le monna wa bobedi". Ka bomadimabe monna wa hae o ile a tsamaya a ba siya hobane a bona dikoloto mme a nahana hore ke yena ya tla tshwanela ho lefa! Molaetsa wa Suzan ho mang kapa mang ya ingodisang GEMS ke hore o qhanolle mme o natefelwe ke ditshebeletso tseo re o fang tsona!
Faith Motlhabane, eo e leng motlanyatsi ya ka sehlohong wa data ya tswang Krugersdorp, eo mmae a ileng a kula mme a ingodisa GEMS jwalo ka mohlokomelwa. Tshebetso ena e ile ya eba ya matsatsi a mabedi fela. Dilemong tse pedi tse fetileng mma Faith o ile a hloka dioporeishene tse pedi - tseo ka bobedi di ileng tsa dithuso tsa ditjhelete ka botlalo ho tswa GEMS.
Le sebeditse hantle haholo bahlodi hape.
bohle ba tlhodisano ya Sisonke.
Leon Crause, titjhere mane Robertson, o ile a tlameha ho ntshwa calluses ho di-vocal cord tsa hae, mme a tlameha ho kenngwa jwale hore le wena o tle o be mohlodi lengwele le leng a ba a tshwarwa le ke lefu la pelo! O ile a ananela thuso, mosa le kutlwelobohloko eo a e fumaneng Sekiming. tlhodisanong ya selemo se tlang.
GEMS e ile ya mo kgothatsa yena hammoho le ba lelapa la hae - e seng hobane fela ba ile ba lefella tsohle, empa hape le ho etseng bonnete ba hore a phekolwe hantle ka ho fetisisa ka ho ya kamoo ho kgonahalang ka teng.
Hantlentle GEMS e ne e reretswe basebetsi ba mmuso. Ha ho motho eo e seng mosebetsi wa mmuso eo e ka bang setho sa GEMS. Ha o leboha mosebetsi mmusong, re kopa hore o se ke wa leka ho sebedisetsa karata ya botho ya GEMS ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo. Dikopo dife kapa dife tse lefuweng kapa ho mothusii wa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo kamora ho ba o phomole mosebetsing wa mmuso, di tla lokelwa ho kgutlisetswa ho GEMS.
Jwale ditho tsa GEMS di se di ka fumana dikeletso tsa tlhokomelo ya bophelo ka founu fela. Letsetsa GEMS HealthLine ho 0860 00 4367 mahala le keletso ya sephiring ya tlhokomelo ya bophelo. O ka kopa ho bua le mooki ya nang le dilemo tse ngata a sebetsa, ya ngodisitsweng ka bophelo ba hao le ka matshwenyeho a hao mabapi le bophelo bo botle.
Ha o letsetsa HealthLine o ka lebella tataiso ya tsebo ya hore na o ka ya khemising neng ho ya reka meriana, haeba o hloka dikeletso tsa ngaka kapa ha o ka tshwanela ho ya phaposing ya tshohanyetso. Mohala ona o thusa ka hore o ka fihlella tsebiso ya mahala le dikeletso jwang, haholoholo bakeng sa ditho tse dulang hole le Ngaka kapa sepetlele.
Ela hloko: Tshebeletso ena ha e emele mohopolo wa mothusi wa hao wa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo.
Phatlalatsong ya kotara ya bobedi ya facets, re behile ka ditshebeletso tse latelang tse ileng tsa hlahiswa ho nolofatsa bophelo ba hao.
Lenaneo la ho ya Beleha le neha ditho tseo e leng baimana tshehetso, thuto le dikeletso boemong bo bong le bo bong ba boimana le nakong ya ka mora boimana ba bona.
Wellness Screening Days ya rona e tlisa ditshebeletso tsa hlahlobo ya bophelo ho wena sebakeng seo o sebetsang ho sona. Tshebeletso ena e etsa hore o kgone ho bona dikotsi tsa bophelo ho sa na le nako, e le hore o tle o thibele kapa o fokotse ho tswela pele ha bohloko.
Letsetsa Sekimi ho 0860 00 4367 ho fumana tsebiso e nngwe hape.
GEMS ha e na MAMELLO HO HANG ya bobodu. Re kopa hore o re thuse ka ho tlaleha bobodu kapa ho ba teng ha bobodu bo ka etswang ke ba bang bao e leng ditho, bathusi ba ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo kapa bathahaselli. E ba le bolokolohi ba ho letsetsa nomorong ya rona ya mahala ya ho tlaleha boqhekanyetsi ho 0800 21 2202 mme lebitso la hao le ke le hlahiswe, haebe o tseba ho hong ho itseng hoo le rona re lokelang ho ho tseba. Ho lwantsha bobodu ke boiteko ba sehlopha.
Na o ne o tseba hore ha ho mang kapa mang Aforikaborwa ya dumelletsweng ho kena mererong e mmedi ya tsa bongaka ka nako e le nngwe Hona ke tlolo ya molao mme ho nkuwa e le bobodu. Pele o ka etsa kopo ya ho ingodisetsa GEMS kapa Sekimi o mong wa bongaka, hopola ho itokolla Sekiming wa bongaka oo o leng ho ona?
Jwale o se o ka fumana phatlalatso ya kotara ya bobedi ya hao ya facets ka mokgwa wa eleketroniki ka puo eo wena o ikgethelang yona webosaeteng ya GEMS.
Link ya lenaneo la dipuo tsohle tsa mmuso tse 11 e tla hlahella. Mona o ka kgetha ho bona phatlalatso ka puo ya hao ya lapeng. Mosebetsi o se o qadile bakeng sa ho fetolela ngollano yohle ya Sekimi ho ya selemong sa 2012.
Lkhansele ya Aforikaborwa ya Diporofeshene tsa Bophelo bo Botle (Health Professions Council of SA) (HPCSA) e sa tswa lemosa setjhaba ka dipapatso tse ngata tse etswang ke batho ba bolelang hore ke dingaka, empa e se tsona. Re kopa hore le hlokomele baqhekanyetsi bana, hobane kopo efe kapa efe e rometsweng ya tshebeletso e sa etswang ke porofeshenale ya bongaka e nang le nomoro e sebetsang ya boingodiso e ke ke ya leshwa ke GEMS. Itshireletse! Kopa ho bona nomoro ya boingodiso ya porofeshenale efe kapa efe eo o nang le pelaelo ya yona.
GEMS e fana ka tshireletso ya tlhokomelo ya bophelo ya boemo bo hodimo basebetsing ba mmuso - ha ho letho le ekeditsweng kapa le fokoditsweng. Ha motho a tla ho wena ka keletso e ya GEMS e be o leka ho o rekisetsa dihlahiswa dife kapa dife tsa ditshebeletso tsa ditjhelete tse jwaloka dipholisi tsa lepato, inshorense ya bophelo, inshorense ya nako e kgutshwane kapa tshireletso ya kekeletso ya ho ba sepetlele, re kopa hore o tsebe hore bao ha se baemedi ba GEMS. GEMS ha e sebedise baromuwa ba fumanang dikhomishene ho tsebisa basebetsi ba mmuso ka botho ba GEMS le menyetla yona ya inshorense. Sekimi se na le moifo wa babehi ba mabatowa ba tsebisang ka GEMS le basebetsi ba mmuso.
Melawana ya bongaka ya Sekimi e teng ho sireletsa melemo ya hao le ho etsa bonnete ba hore meriana e laelwa ka tshwanelo mme ha e hlahisetse kotsi. Melawana ena ha e a behelwa ho o hanela ka phekolo, meriana kapa phihlelo ya melemo ya hao. Meriana e meng e ka ba kotsi kapa ya etsa motho hore e be lekgoba la yona ha e sa sebediswe ka nepo. Ho ya ka melawana e metjha ya Sekimi ke palo e itseng fela ya dipilisi e tla dumellwa nakong e itseng, mme metswako e meng e ke ke ya ba le ditlhapiso. Melawana ena hape e tla etsa bonnete ba hore meriana e laetsweng le eo dingaka di o fang yona ho wena ke e tshwanetseng ho ya ka dilemo le bong ba hao.
Haeba o na le dipotso dife kapa dife re kopa hore o se ke wa qeaqea ho buisana le GEMS ho 0860 00 4367.
Dula o ntse o lebeletse tsebiso ka melemo ya hao ya 2010 e tla fihla posong mathwasong a kgwedi ya Pudungwana.
<fn>(222201095336 AM) Sesotho.txt</fn>
Molaetsa wa Moofisiri ya ka Sehloohong ebile selemo sa diphetoho! Morero o hotse ka tsela e kgolo haholo hoo re fihletseng ho ba le ditho tsa palo e fetang 400 000 le maphelo a 1 000 000. Re lebeletse kgolo e tswellang kamoso ha basebetsi ba bang ba mmuso ba nka qeto ya ho etsa GEMS morero wa kgetho ya bona.
Kgatiso ena ya Facets e tletse tlhahisoleseding ya bohlokwa bakeng sa hao le ba lelapa la hao mme e kenyeleditse: Ditaba tse mabapi le ditsiane tse hohelang tsa GEMS ka 2010 le diphetoho tsa dikgetho; 2010 e ntjha Letoto la bafani ba ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo la GEMS le tla nka sebaka sa letoto la hajwale la Prime Cure; dikeletso tse thusang tse mabapi le ho qoba monono wa mafelo a selemo le tse ding tse ngatangata.
GEMS e ikitlaeditse ho tlisa tlhokomelo ya bophelo ho wena moo o tla e fihlela. Re tla etsa mekutu yohle ho fa wena le ba lelapa la hao phihlello ho ditsiane tsa tlhokomelo ya bophelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa ka dikgahla tsa ditefiso tse kgonehang. Ho sa natswe ho nyehla ha moruo, re motlotlo ho o tlalehela hore keketso ya sekgahla sa ditlatsetso tsa rona sa 2010 se akanyetswa ho ba 0,50% ka tlase ho sa 2009. Palohare ya kekeketso ya ditlatsetso bakeng sa 2010 ke 10,8% mme e bapile le lethathama la dimatlafatso tse nang le kgohelo e kgolo. Sa bohlokwa, dikgahla di kentswe ka karohano empa di matahantswe le keketseho e kgolo ya ditsiane.
Ka tjhebisiso e tswelletseng mabapi le ho matlafatsa tshebeletso ya hao ke GEMS, mekgahlelo ya meputso e sebediswang bakeng sa dikgetho tsohle tsa ditsiane e ekeditswe ka 10% ka 2010, e leng se netefatsang hore phihlello ya ditjeho tse kgonehang ho dikgetho tsohle e atolositswe - sena ke ditaba tse monate ruri kaha ditho tse ngata di ka fumana hore di se di wela mekgahlelong e tlasana ya meputso qalong ya 2010, ka hona e leng se tla etsa hore botho ba GEMS bo be le ditjeho tse kgonehang le ho feta.
Sehla sa mekete se fihlile mme mohopolo wa ka ke hore sena e tla ba se HLWAHLWA ruri! Lehodimo le a tjhesa, diaduma di a thwathwaretsa, moruo o a hola mme re sebeditse ka thata bo makatsang hore re atlehe ka 2009. Mekete e tletseng letsheho le monyaka ke tlameho! Ke le lakaletsa tse molemo ka ho fetisisa Selemong se Setjha mme ke le kgothaletsa ho kgutlela mosebetsing le phomotse hantle mme le tletse mafolofolo ka ho phethahala.
Sa qetelo empa e se ka bohlokwa ba sona, ke o leboha ka botho ba hao bo tswellang ho GEMS le ditlhahiso tse kgolo tseo o di entseng ka 2009. GEMS e teng molemong wa ditho tsa yona mme ke tsona ditho tsena tse tla etsa hore GEMS e be hlwahlwa le ho feta!
Basebetsi ba Mmuso le haholo ditho tsa GEMS, haufinyane ba amohetse dikeketso tsa mekgahlelo ya moputso tsa Occupational Specific Dispensation (OSD), mmoho le dikeketso tsa selemo le selemo tsa moputso tse qadilweng morao ho tloha ka Phupu 2009. Kaha ditlatsetso tsa hao tsa GEMS di itshetlehile hodima moputso wa hao, ditlatsetso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi e ka nna ya ba di amehile le tsona.
Jwalo ka ha o hlokometse, kgetho ka nngwe ya dihlapitso tsa GEMS e na le ditafole tsa ditlatsetso tse theilweng hodima moputso ho kgothaletsa phihlello kgethong ya ditsiane e itseng bakeng sa Basebetsi ba Mmuso ba amohelang meputso e tlasana. Tlatsetso e lokelang ho etswa bakeng sa mokgahlelo ka mong wa moputso kgethong ka nngwe e boletswe bukaneng ya ditho ya 2009 eo ditho di a amohetseng maqalong a selemo. Haeba moputso wa setho o eketseha nakong ya hara selemo, se ka fumana hore se phahametse mokgahlelong o ka hodimo wa moputso mme ka hona se tlameha ho lefa ditlatsetso tse phahameng k.h.r. dinyollo tsa maemo mosebetsing, dikeketso mekgahlelong ya meputso, ditjeho tsa bophelo tsa selemo le selemo, dikeketso tsa meputso mmoho le ya OSD. Dikeketso tsa meputso di bakile keketseho ditlatsetsong tsa morero wa thuso ya bongaka bakeng sa palo e itseng ya ditho tsa GEMS, kaha dikeketso tsena di ba behile mokgahlelong wa GEMS o hodimo wa moputso.
Keketso ya mokgahlelo wa moputso e bile ka lebaka la phokotso ya dinoko (notches) ho tloha ho 1-16 ho fihla ho 1-12. Ditho tse ka bang 10 500 di anngwe ke phetoho ena mme ditho tsena di rometswe SMS ho di tsebisa ka diphetoho ditlatsetsong tsa tsona tsa morero wa thuso ya tsa bongaka.
Dikeketso tsa selemo le selemo tsa moputso tse latilweng morao tse kentsweng tshebetsong ka Mphalane 2009 le tsona di bakile hore ditho tse ding di phahamele mekgahlelong e hodimo ya moputso, e leng se entseng hore ditlatsetso tsa bona di eketsehe. Diphetoho tsena di latilwe morao (backdated) ho tloha ka Phupu 2009. Ditho tse fetang 41 000 di anngwe ke dikeketso tsena. Ho kenngwa tshebetsong hona ho latilweng morao ho bakile hore ditlatsetso tsa ditho tse ding morerong wa thuso ya bongaka di salle morao ka ditefello.
GEMS e hokahane le ho rerisana le ditho tse amehang. Ka kopo hlahloba setatemente sa hao sa ditlatsetso se tswang kamora dikgwedi tse tharo ho utlwisisa ka botlalo ka moo diphetoho tsa meputso di ammeng ditlatsetso tsa hao ka teng.
Bongata ba ditlatsetso tse saletseng morao di se di kopilwe ho Persal. Haeba o anngwe ke sena, o ka lebella dikgulo tse ding hape tsa ditlatsetso tsa hao tse saletseng morao tsa morero wa hao wa thuso ya bongaka tse tswang moputsong wa hao ho qala ka Tshitwe 2009. Leha ho le jwalo, Persal e dumella dikgulo tsa ditlatsetso tse saletseng morao tsa nako ya dikgwedi tse tharo feela. Ditlatsetso dife kap dife tse ding tse saletseng morao ka nako ya kgale ho feta mona di tlameha ho kotjwa hore di etswe ka kotloloho ke Mosebeletsi wa Tshwaro ya Basebetsi (HR) ka tsela ya kgulo ya tjhelete e saletseng morao ya khoutu ya 0189. Sena se bolela hore ditlatsetso tse saletseng morao tsa Phupu (mohlomong le Phato) ha di a hulwa ke Persal. GEMS e tla romela mangolo a ditlhakisetso tsa ditlatsetso le ho phethahatswa ha 0189 nakong ya kgwedi ena ho Basebeletsi ba HR ho re thusa ka ho phethahatsa kgulo ya ditlatsetso tse saletseng morao.
Ka kopo le letsetse ho 0860 4367 mabapi le dipotso dife kapa dife.
Ditsiane tse kgolwanyane, tse ntlafetseng ho feta!
GEMS e se e thehile moralo wa ditsiane tse phethahatseng oo e tla sebeletsa hodima wona mme ha ho bonolo ho ntlafatsa ntho e nkuwang ka bophara hore ke pakana e tswileng matsoho. E le nnete e mabapi le maano a Morero a ho kgona ho fetofetoha le ho ntlafatswa, re thomme ditsela tsa ho tswela pele ho matlafatsa phano ya ditsiane ka 2010.
Se setjha: Ka 2010 GEMS e thakgola Letoto la Bafani ba Ditshebeletso ba GEMS le tla nka sebaka sa letoto la Prime Cure leo ditho di le sebedisitseng nakong ya dilemo tse tharo tse fetileng.
Se setjha: Ditsiane tsa sepetlele sa poraefete bakeng sa baimana jwale di kenyeletsa diteko tsa mafu le radioloji, ho ipapisitswe le tumello ya sethathong le lenane la ditshebeletso tse dumeletsweng.
Se setjha: Ditho tsa Sapphire jwale di hlokwa ho fumana meriana ya nako yohle ho tswa Letotong la meriana ya nako yohle ho tswa ho Mofani wa tshebeletso ya kgethilweng wa Morero, Medipost Pharmacy.
Se setjha: Ditsiane tsa Bophelo ba Kelello jwale di kenyeletsa kalafo ya baalafi ba tsa kelello (psychologists) mme di laolwa ke meedi ya Bonyane ba Ditsiane bo Behilweng (PMB) ho bafani ba ditshebeletso ba kgethilweng ba Morero.
Se setjha: Ka 2010 GEMS e thakgola Letoto la Bafani ba Ditshebeletso ba GEMS le tla nka sebaka sa letoto la Prime Cure leo ditho di le sebedisitseng nakong ya dilemo tse tharo tse fetileng.
Se setjha: Diteko tsa mafu le radioloji di tla laolwa ka lenane la ditshebeletso tse dumeletsweng le tumello ya sethathong.
Se setjha: Ditsiane tsa kahara sepetlele di laolwa ke tumello ya sethathong le diprothokole tsa Tlhokomelo e Laolwang.
Se setjha: Ditsiane tsa Bophelo ba Kelello di kenyeletsa kalafo ya kelello ya kantle ho sepetlele, ho ipapisitswe le kakaretso ya meedi ya ditjeho tsa kahara sepetlele.
Se setjha: Ditho tsa Sapphire jwale di hlokwa ho fumana meriana ya nako yohle ho tswa Letotong la meriana ya nako yohle ho tswa ho Mofani wa tshebeletso ya kgethilweng wa Morero, Medipost Pharmacy.
Se setjha: Ditsiane tse sa behelwang moedi bakeng sa tlhokomelo ya bophelo ya motheo ya karolo ya kgetho ena ho bafani ba ditshebeletso ba kgethilweng ba Morero.
Se setjha: Dikamohelo tsa sepetlele tsa motshehare tse seng tsa PMB di ke ke tsa sebetswa ka tsela ya tekatekanyo (prorata). Moedi o ekeditswe ho fihla ho R10 760.
Se setjha: Ditshebeletso tsa kalafo ya meno: kalafo ya kantle ho sepetlele ya meno e arolelanwa le ya kahare ho sepetlele (R2 050 bakeng sa mojalefa ka mong ka selemo).
Moedi bakeng sa disebediswa tsa bongaka le ho sebetswa ka thipa o atisitswe habedi.
Ditsiane tsa boloko di ekeditswe ho fihla ho R1 070 lelapa ka leng. Ditleleime di lefuwa kgahlanong le ditsiane tsena hang ha PMSA e sebedisitswe kaofela.
Se setjha: Dikamohelo tsa sepetlele tsa motshehare tse seng tsa PMB di ke ke tsa sebetswa ka tsela ya tekatekanyo (prorata). Moedi o ekeditswe ho fihla ho R10 760.
Ditsiane tsa boloko di ekeditswe ho fihla ho R2 820 mojalefa ka mong le R5 640 lelapa ka leng.
Se setjha: Moedi o ka tlase wa R735 bakeng sa meriana e rekwang ka kotloloho.
Se setjha: Tlhophiso e feletseng ya meriana ya nako yohle e tla sebediswa kahare le kahodimo ho meedi.
Se setjha: Ditisane tsa tlatetsetso tsa boloko tsa R7 000 bakeng sa mojalefa ka mong nakong ya dilemo tse pedi tsa khalendara di ekeditswe. Meedi e ka tlase e a sebediswa. Ditsiane tsa tlatsetso di fumaneha bakeng sa tse latelang: kalafo ya meno (kantle ho sepetlele), mahlo, ditshebeletso tse amanang le tsa bophelo le radioloji ya motheo.
Ditsiane bakeng sa disebediswa tsa bongaka le ho sebetswa ka thipa di atisitswe habedi.
Se setjha: Dikamohelo tsa sepetlele tsa motshehare tse seng tsa PMB di ke ke tsa sebetswa ka tsela ya tekatekanyo (prorata). Moedi o ekeditswe ho fihla ho R10 760.
Se setjha: Moedi o ka tlase wa R1 150 mojalefa ka mong bakeng sa meriana e rekwang ka kotloloho o kentswe.
Ditsiane bakeng sa disebediswa tsa bongaka le ho sebetswa ka thipa di atisitswe habedi.
o re KE A LEBOHA!
Mafelo a rona a selemo a bile monate ruri!! Dintho tsohle di ne di phethahetse! Mohlolo hara mehlolo - mme wa ka, ya tshwerweng ke tswekere, o ne a na le leqeba le hanang ho fola. Kamora hore GEMS e kgonahatse hore a etele lewatle, jwale le fodile! Re a leboha GEMS! Leeto le re natefetse haholo mme re ithutile dintho tse ngata haholo ka Mother City e ntle ruri.
Karolong ya bone ya lethathama la rona la WEB SMART, re tsepamisa maikutlo ho Khalkhuleita ya Ditlatsetso.
Khalkhuleita e behilwe e le letshwao la motako leqepheng la kamehla le qetellong ya leqephe le leng le le leng webosaeteng. Hape e fumaneha tlasa menu e phuthollang (dropdown) ya "Ditho" haeba o kgetha ho sebedisa kgetho ena.
Khalkhuleita e o dumella ho sebetsa tlatsetso ya hao ya kgwedi le kgwedi ka ho o dumella ho kgetha hara e nngwe ya diprofaele tse pedi.
Ho GEMS re ikitlaeletsa ho aha dikamano tse matla le dingaka tse fanang ka tlhokomelo ho majalefa a rona a fetang 1 000 000.
Re batla ho netefatsa hore ngaka ya hao e dula e le mohokahanyi wa tlhokomelo ya hao mme o o fa kalafo ya boleng bo fetisisang bakeng sa tjhelete ya hao. Ho na le menyetla e mengata ka ho etela ngaka e Letotong la Bafani la GEMS.
O ke ke wa lokela ho lefa ditefiso le ditjeho dife kapa dife tse ka thoko.
Ngaka ya hao e Letotong la Bafani la GEMS e nkile boikarabello ba ho fana ka tlhokomelo ya boleng bo tswileng matsoho ho ditho tsa GEMS ka dikgahla tsa Morero le ho se o lefise ditefiso dife kapa dife tse etswang mmoho kapa ditjeho tsa tlatsetso.
Dingaka tsohle tsa Letoto la Bafanai la GEMS di ikemiseditse ho dumella ditshebetso tsa bona ho etsetswa profaele mme, moo ho hlokehang, ho amohela tataiso ya basebetsi-mmoho ba bona (tlhahlello ya balekane) hore ba ntlafatse phano ya tshebeletso ya bona ya tlhokomelo ya bophelo ka ditjeho tse amohelehang.
Dingaka tse etseditsweng profaele di fumana boemo bo phahameng ka ho fetisisa mme di putswa ka ho lefuwa tefo e phahameng ya ho bona ngaka e lefuwang ho tswa letloleng la menyetla ya kotsi mme e sa o qose ditjeho tsa letho.
Pele ho 2010, ditho tse ho Sapphire le Beryl di ne di lokela ho etela mofani wa tshebeletso wa Prime Cure ha ba hloka tlhokomelo. Ho tloha ka 2010, ditho tse entseng dikgetho tsena di tla lokela ho sebedisa ngaka le mofani wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bongaka ya Letotong la Bafani la GEMS. Ka kopo hlokomela hore dingaka tsa letoto la Prime Cure hape e ka ba ditho tsa Letoto la Bafani la GEMS empa ho bohlokwa hore ditho di netefatse sena.
Ditho tse ho Sapphire le Beryl di tlameha ho lemoha hore ka 2010, ngaka ya bona e tlameha ho kenela Letoto la Bafani la GEMS. Ditlhophiso tse ntjha di a thehwa nakong ya hajwale dipakeng tsa dingaka le GEMS. Ka kopo hlahloba hore na ngaka ya hao ke setho sa Letoto la Bafani la GEMS pele o sebedisa ditshebeletso tsa hae ka 2010. Tlhahisoleseding yohle e ntjha le dintlha tsa boikopanyo tsa dingaka le bafani ba tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo ba GEMS e tla romelwa ho wena haufinyane, mmoho le karete ya hao ya botho e ntjha.
Ho sheba letshwao la GEMS phapusing ya ngaka.
Ho thibela boemo ba hore o se kgone ho fihlella ditsiane tsa hao tsa tlhokomelo ya bophelo, se latelang ke tlhaloso e bonolo ya tshebetso ya ho lefa tleleime le diphoso tse ka qojwang tse ka bakang ho hanelwa ha ditleleime tsa hao. Mohato 1 Mohato 2 Mohato 3 Mofani wa tshebeletso ya bophelo wa hao o romela tleleime. Lefapha la Ditleleime le amohela, le lekanya le ho dumela ditleleime tse lokileng. Temoso ya tleleime ka SMS e romelwa ho setho ho netefatsa hore ditleleime di a sebetswa. Temoso ena ha e bolele hore tleleime e lefilwe, empa e bolela hore e ntse e sebetswa. Haeba o sa amohele temoso ya tleleime ka SMS, ka kopo letsetsa ho 0860 00 4367 ho kenya tshebeletso ena tshebetsong.
Mohato 4 Kamora ho lekanya tleleime, Morero o lefa tleleime eo, ho latela melawana ya Morero le ditsiane tse fumanehang.
Mohato 5 Tleleime e tla lefuwa nakong ya sehla se latelang sa ditefo. GEMS e na le dihla tse pedi tsa ditefo ka kgwedi.
kamora hore setho se itokolle.
fumana ditsiane tseo o neng o di fumana qalong.
Karolo e nngwe ya ho utlwisisa tshebetso ya ditleleime e kenyeletsa ho tseba moo o lokelang ho romela ditleleime tsa hao. Netefatsa hore tleleime ya hao e rometswe atereseng e nepahetseng.
00 4367 kapa ka imeile ho enquiries@gems.gov. za. Haeba o se na bonnete ba sebaka se nepahetseng, se ke wa qeyaqeya ho ikopanya le Morero ho 0860 00 4367.
GEMS ke morero wa thuso ya bongaka wa botho bo nang le dithibelo wa basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso - ke feela basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso ba ka kenang Morerong.
di tebelwa bakeng sa boitshwaro bo sa amoheleheng; kapa di kenela morero o sele wa thuso ya bongaka. Ka molao ha ho motho ya dumeletsweng ho ba setho sa merero e mmedi ya thuso ya bongaka ka nako e le nngwe.
Haeba o tswela pele ho sebedisa karete ya botho ba hao kamora hore o itokolle mme ditleleime tsa hao di ka lefuwa, o tla lokela ho busetsa ditjhelete tseo ha letsatsi leo o itokolotseng ka lona le hlahella direkotong tsa rona. O ka itokolla ka ho re letsetsa ho 0860 00 4367 kapa ka ho romela lengolo la fekse ho 0861 00 4367.
Ho etsahala eng ho mangolo a ngaka a meriana ya ka ya nako yohle ha ke itokolla ho GEMS?
Meriana ya nako yohle e fanwa ho ditho tsa GEMS ke mofani wa tshebeletso ya kgethilweng wa Morero (designated service provider - DSP), Medipost. Ha o tswa Tshebeletsong ya Mmuso, le ho GEMS, o tla lokela ho etsa ditlhophiso tse ding tsa ho reka meriana ya hao.
Ho theola boima ba mmele ha se maikutlo a matle feela haeba o batla ho apara diaparo tse nyane, empa ho bohlokwa ka tsela e kgolo bakeng sa bophelo bo botle ba hao. E le hore o fokotse boima ba mmele, o hloka ho ba le morero. Ho hlola monono ho kenyeletsa diphetoho ditlwaelong tsa bophelo, kgetho ya dijo tse fanang ka bophelo bo botle le ho dula o le sehlahlo!
Dithuto tsa dijo tsa monahano di bontsha hore ho ja dijo tsa hoseng tse feletseng ke e nngwe ya dintho tse molemo ka ho fetisisa tseo o ka di etsang ha o batla ho fokotsa dikilograma tse tlotseng meedi.
Fokotsa ho ja nama e kgubedu mme o je kgoho le tlhapi ho feta.
Besa (grill) kapa baka dijo tsa hao.
Enwa metsi ho fapana le dino tse nang le tswekere e ngata. Hape o fokotse bongata ba jwala boo o bonwang.
Sebedisa botoro le/kapa majarine e seng ngata.
Qoba dijo tse rekwang di se ntse di phehilwe.
Batho ba bang ba dumela hore ha ba tshwanela ho ja ha ba leka ho fokotsa boima, empa sena ke tumelo ya bohata. Ho latela diphuputso tse entsweng mabapi le ho fokotsa boima ba mmele, ha o eja ho feta, methabolisemo ya mmele wa hao e tla sebetsa kapele le ho feta. Tsela e nngwe ya ho eketsa sekgahla sa methabolisemo ke ho ja dijo tse nyane, tsa kgafetsa le kgafetsa le diseneke tsa bophelo bo botle (jwalo ka matokomane, ditholwana le meroho) ha o lapile kapa o ikutlwa o le lephakonyana.
Mohato wa pele o isang ho fumaneng booima ba hao bo lokelang e tla ba ho utlwisisa BMI ya hao, sena ke ho methwa ha mafura a mmeleng ka ho ipapisa le bolelele le boima ba hao.
Mmele o otileng = 18.
Boima bo lekaneng = 18.5 - 24.
Monono o moholo = 25 - 29.
Dijo tse lekantsweng phepho tse kenyeletsang bonyane metsotso e 30-40 ya boikwetliso hararo ka beke, ke ntlha ya bohlokwa ya ho qala. Kgetha tshebetso efe kapa efe eo o e ratang, ha feela o tsamaisa mmele.
Ka kopo sheba Facets ya Kotara ya 3 ya hao bakeng sa dikeletso tse mabapi le ho phela le ho ja ka tsela ya bophelo bo botle! Lengolo la ditaba le lona le a fumaneha webosaeteng, www.gems.gov.za, ka puo ya kgetho ya hao!
Di-DSP ke sehlopha se kgethilweng sa bafani ba ditshebeletso ba tlang pele bao hara bona ditho tsa GEMS di ka fumanang ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa boleng. Ditho tse fihlellang ditshebeletso tsa DSP ka pharallo ntle le matshwenyeho a ho etsa ditefello tse etswang mmoho le meedi ya dikalafo mabapi le bonyane ba ditsiane bo behilweng (prescribed minimum benefits - PMB). Ka ho sebedisa DSP hape o fumana theko e tlase, e hlophisitsweng ke GEMS lebitsong la hao.
Ho tloha ka 2010, Medipost Pharmacy e tla ba yona DSP bakeng sa ditlhoko tsa phano ya meriana ya nako yohle ya ditho tsa GEMS dikgethong TSOHLE tse hlano. GEMS e tla lefa 100% feela bekeng sa meriana ya nako yohle haeba meriana eo e hlahella tlhophisong ya meriana ya Morero (lenane la meriana e dumeletsweng la kamehla) e ikamahanyang ka ho qolleha le kgetho ya hao mme ha e fumaneha ho tswa ho DSP, ka ho ipapisa le melawana ya Morero. O ka kgetha ho sebedisa meriana efe kapa efe ya nako yohle e fanweng empa tefo e etswang mmoho ya 30% e tla lefiswa.
Ditho tse dikgethong tsa Sapphire le Beryl di tlameha ho lemoha hore dintho tsohle tse sa hlahelleng tlhophisong ya meriana ya GEMS di tla hanelwa (di tla lefellwa ke wena setho) le hore referense ya ditheko tsa meriana ya MPL ha e sebetse. Ngaka ya hao kapa rakhemise o tla kgona ho hlahloba haeba meriana e laetsweng e le tlhophisong ya meriana ya GEMS kapa tjhe.
Dintho tsa tlatsetso tse fanweng ka lenane le nang le mabitso le ditheko tse feletseng Haeba ditokomane tse ka hodimo mona di le ka puo ya boditjhaba, netefatsa hore phetolelo ya tsona Senyesemaneng ka ho phethahala e romelwa ho GEMS.
Hopola ho romela tleleime ya hao hanghang tlung ya leqosa kapa boemedi ba Afrika Borwa bakeng sa ho sebetswa kaha ba tla fetisetsa tleleime eo ho GEMS bakeng sa ho sebetswa. Tleleime e tlotseng moedi o behetsweng ditleleime tse senyehileng ka tiehiso (dikgwedi tse nne) e tla hanelwa mme lefapha la heno le ke ke la kgona ho tleleima tjhelete ya ditsiane tseo ho tswa ho GEMS.
Tshebediso ya foromo ya tleleime ya maeto (tlasa thomelo ya tleleime ho tswa kantle ho naha) e sebetsa bakeng sa ditleleime tsa ditho tse sa sebetseng kantle ho naha bakeng sa merero ya semmuso. Sena se ama ditho tse tleleimang ka kotloloho ho tswa ho GEMS bakeng sa ditjeho tse bakehileng ha ba ntse ba etetse kantle ho naha.
Hopola hore senotlolo sa ho fihlella ditsiane tsa hao naheng e nngwe di itshetlehile hodima ho netefatsa hore foromo e nepahetseng ya tleleime e fihlella GEMS kapele ka moo ho kgonehang.
Jwalo ka setho se sebetsang kantle ho naha, re utlwisisa hore o na le ditlhoko tse kgethehileng bakeng sa ho fihlella ditsiane tsa hao tsa tlhokomelo ya bophelo.
Ho hlola tshitiso ena, netefatsa hore foromo ya ditleleime tsa GEMS tsa ho eta/matjhabeng e fumanehang ho www.gems.gov.za e a sebediswa ha o etsa ditleleime tsa hao. Ho romela tleleime ya hao ka foromo e sele ho ka baka hore Morero o amohele tlhahisoleseding e sa fellang. Sena se ka baka hore tjhelete e fokotsehileng e lefuwe kapa tleleime e hanelwe.
Ha o romela tleleime o le kantle ho naha, ka kopo netefatsa hore tleleime ya hao e tlatsitswe ka ho phethahala mme e fana ka tlhaloso ya kalafo ya hao.
Mofuta wa mofani wa ditshebeletso Ngaka ya mafu a akaretsang, rekhemisi, mofuta wa ngaka e kgethehileng, jj.
Diteko tse boletsweng tse entsweng j.k.
Batho ba ka bang 5.7 milione ba phela le HIV/AIDS. Palo e kgolo ya bona ke basadi, ba bang ke bo-mme ba baimana, ba tla fetisetsa kokwanahloko ho masea a bona a matjha. Ka la 1 Tshitwe 2009, lefatshe le ketekile Letsatsi la Lefatshe la AIDS. Letsatsi lena le kgethehileng le reretswe ho phahamisa tlhokomelo ya setjhaba mabapi le sewa sa HIV/AIDS. Leano la selemo sena "Phihlello ho bohle le ditokelo tsa botho," di beha tlhokomelo kgubung ya ditaba jwalo ka tokelo ya motheo ya motho e mong le e mong le kgatelopele e etswang ho rarolla sewa sena, e lokelang ho potlakiswa ka ho kgothaletsa boikitlaetso ba lefatshe lohle ba ho fana ka phihlello ya kalafo ho batho bohle.
Boitshetleho ho tsa ditjhelete bo bolela eng?
Mophedisuwa o itshetlehile ka tsa ditjhelete ha a eso ka a amohela tjhelete e fetang Penshene ya Thekolohelo ya mmuso ho tswa mehloding yohle ya hae ya tjhelete.
Mophedisuwa enwa o tlameha hore a be a itshetlehile ka ho phethahala hodima setho hore a kgone ho fihlella inshorense ya tsa bophelo le ditsiane.
GEMS e sebedisa thekenoloji e fumanehang ka ho phethahala. Ditshebeletso tse mmalwa tsa SMS jwalo ka Tjhebo ya Ditsiane ya rona e molemo le Tjhebo ya Metswalle ya GEMS e kgonahatsa hore o hokahane le Morero ka SMS ho hlahloba ditsiane kapa ho fumana mofani wa ditshebeletso tsa bophelo bo botle sebakeng sa heno.
Hape ho na le mokgwatshebetso wa ho etsa ditleleime o molemo, moo o tsebiswang ka SMS ha o amohela tleleime e entsweng ke e mong wa baphedisuwa ba hao, ho o thusa ho sala morao ditleleime tsohle tsa hao.
O ka fihlella webosaete ya GEMS DotMobi selefounung ya hao ka ho thaepa feela m.gems.gov.za sebading sa inthanete sa hao. Setsha sena se thehetswe ho netefatsa hore ditshebeletso tsa inthanete tsa GEMS di fihlelleha ho ditho tsa rona tse ngata ka moo ho kgonehang. GEMS DotMobi e o fa phihlello ho tlhahisoleseding ya bohlokwa ya morero wa bongaka dintlheng tsa menwana ya hao feela.
Etsa bonnete ba hore re na le nomoro ya hao ya founu e nepahetseng ho kgonahatsa hore o sebedise ditshebeletso tsena.
Jwale o ka kopa dintho tse ding jwalo ka diforomo tsa lekgetho ka ho sebedisa tshebeletso e iketsetswang ya rona e o nolofaletsang bophelo ya mohala wa dihora tse 24. Hape o ka fetola kgetho ya ditsiane tsa hao le dintlha tsa boikopanyo. Daela ha bonolo feela nomoro ena 0860 00 4367 mme o latele ditaelo tsa lentswe.
Leha bohle re tshepa hore kamehla ha ho hlokehe, kamehla ke maikutlo a bolokwa hore o dule o le malala-a-laotswe bakeng sa diketsahalo tsa tshohanyetso.
O ka sebedisa selefounu ya hao jwalo ka sesebediswa bakeng sa ho jwetsa bapholosi ba tshohanyetso hore ba ka ikopanya le mang maemong a tshohanyetso ha o sa kgone ho bua. Haeba selefounu ya hao e sa notlelwa, baprofeshenale ba tla atisa ho batlana le nomoro ya ICE (boemong ba tshohanyetso) tlasa mabitso a hao. Ena ke nomoro ya motho eo o lakatsang hore ba ka ikopanya le yena, lebitsong la hao, boemong ba tshohanyetso. Haeba o na le nomoro e fetang bonngwe, o ka boloka dinomoro tsena tlasa ICE 1, ICE 2 jwalo jwalo. O ka, ka mantswe a mang, fana ka monyalani le wena, batswadi ba hao, motswalle wa lelapa kapa ngaka ya hao, ho ipapisitswe le maemo ao o phelang ka wona. Hape o ka boloka nomoro ya tshohanyetso ya GEMS (0800 44 4367) selefounung ya hao hore o e fihlelle ha bonolo bakeng sa ditshebeletso tsa boemong ba tshohanyetso ha o e hloka haholo ka ho fetisa.
Nomoro ya botho ya hao yona?
Ka kopo hopola ho fana ka nomoro ya botho ya hao dikgokahanong tsohle le GEMS - sena se kgonahatsa hore o fumane dintlha tse mabapi le wena kapele.
<fn>(310201010514 PM) FINAL SELECTION PACK SESOTHO.txt</fn>
Ho GEMS re mamela seo ditho di se buang. Re kgathalla molemo wa kgokahano e hlakileng mme re dula re tswella ho netefatsa hore dikgetho tsa rona tsa ditsiane le ditshebeletso di ipapisitse le ditlhoko tsa ditho tsa rona.
Ke motlotlo ho hlahisa ditsiane tsa 2010 ho wena.
Re o kgothaletsa ho kgetha kgetho e ntle ka ho fetisisa e loketseng ditlhoko tsa hao le ba lelapa la hao.
ha e a ba selemo se bonolo haholo empa GEMS e tswetse pele ho atleha. Ke ka monyaka o moholo re ketekang katleho e kgolo ya maphelo a 1 000 000 a sireleditsweng ke GEMS, e leng se o etsang e mong hara maphelo a milione! Phihlello ena e beha GEMS ka pele indastering ya merero ya thuso ya tsa bongaka, ka phano ya ditsiane e ipuellang Re morero wa thuso ya tsa bongaka o moholo ka ho fetisisa kahare ho naha, e leng se o etsang hore o be karolo ya morero wa thuso ya bongaka o matla, o tsitsitseng ditjheleteng, o etseng ditabatabelo tsa hao hloko ka tsela e kgolo.
Tsitlallo ya rona e sa nyahameng ya ho fana ka tshebeletso e tswileng matsoho ke bopaki ba boikitlaetso BA RONA ho wena, ditlhoko tsa hao tsa bophelo bo botle le ho dikgetho tsA hAO. Bukaneng ena re hlalosa dikgetho tse hlano tsa rona tsa ditjeho tse kgonehang - ho o thusa ho etsa kgetho e nang le lesedi mabapi le hore na ke kgetho efe ya ditsiane e tla lokela ditlhoko tsa hao le lelapa la hao ka 2010.
Ditsiane tse ka sehloohong tse fumanehang ho ditho ka 2009 di dutse di le teng bakeng sa 2010. Hape re ekeditse meedi ya ditsiane tse fumanehang le ho eketsa tse ntjha, jwalo ka ditsiane tsa Boloko kgethong ya Emerald. Re motlotlo ka nnete ya hore le dinakong tsa maemo a moruo a boima ao re iphumanang re le ho wona, re tswela pele ho fana ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ya ditjeho tse kgonehang ho wena.
Ka 2010 re thakgola Letoto la GEMS, letoto la bafani ba ditshebeletso tsa bophelo le ikitlaeditseng le tla hltsa bophelo bo botle tsa ditho tsa rona tsa Sapphire le Beryl. Letoto lena la GEMS le tla nka sebaka sa letoto la Prime Cure leo ditho tse dikgethong tsena di le sebedisitseng nako ya dilemo tse 3 tse fetileng. Ditaba tse ding mabapi le kgatelopele ena e thabisang di tla fanwa ho ella mafelong a 2009.
Ke lakatsa ho o leboha ka tshehetso ya hao e tswellang le ho o lakaletsa bophelo bo botle ka 2010. Hopola hore GEMS e dutse e le molekane wa hao bophelong bo botle.
Ditsiane tse reretsweng bophelo bo botle, wena ya thabileng!
Boikitlaetso ba rona.
Qetellong ya selemo ka seng re fa ditho tsa rona moneyetla wa ho fetohela kgethong e nngwe ya ditsiane. Ho etsa kgetho ya hao o hloka ho inahanela ka hloko ditlhoko tsa hao tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle, ditsiane tse fumanehang kgethong ka nngwe mmoho le tlatsetso ya kgwedi le kgwedi.
Ka kopo inahanele sena ka hloko kaha o dumeletswe ho fetola kgetho ya hao hang feela ka selemo. Haeba o batla ho fetola kgetho ya hao bakeng sa 2010, ka kopo latela mehato e bonolo e ka tlase mona feela: Hopola hore foromo ya hao ya "Etsa kgetho ya hao" e tlameha ho fihla ho rona pele kapa ka la 30 Pudungwana 2009.
Bukana ena e akaretsa dintlha tse fapakaneng tse mabapi le GEMS. E molemong wa boikgopotso ba kapele feela mme ha e nke sebaka sa melawana ya Morero. Haeba ho ba le kgohlano, melawana e ngodisitsweng e tla latelwa.
<fn>(3172010120212 PM) FINAL MB SESOTHO.txt</fn>
GEMS e entswe ka ho o nahanela. Re morero wa thuso ya tsa bongaka o moholo ka ho fetisisa o kgethang ditho o hlokometseng ka ho kgetheha ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso.
Reikitlaeletsaho fana ho e mong le e mong wa ditho tsa rona le malapa a bona ka phihlello ho ditsiane tse kgonehang ka ditjeho mme tse feletseng ka letoto la dikgetho tse 5 la ditsiane. Haesale ho tloha ha setho sa pele se ne se kenela GEMS ka 2006, re bile le kgolo e so kang e bonwa haesale mme ha re a siya letho le sa lekolwang hore re be morero wa thuso ya bongaka o tswileng matsoho, o sebetsang ka katleho mme o fana ka ditefiso tse kgonehang bakeng sa basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso.
Ke mang ya ka kenelang?
Mohiri ofe kapa ofe ya dumeletsweng ke Morero.
GEMS e fana ka ditsiane tse kgonehang ho bohle!
Batho bohle ba ka kgona ho kenela GEMS, hobane tjhelete eo o e lefang ho Morero e ipapisitse le hore o amohela moputso o mokae. Sena se bolela hore o tla lefa hanyane bakeng sa kgetho ya ditsiane tse lekanang le tsa motho ya amohelang ho o feta. Hore na o lefa bokae hape ho ipapisitse le hore na saese ya lelapa la hao e kae le hore ke efe ya dikgetho tse hlano tsa rona eo o e kgethang.
Morero o tsotellang e le ka nnete le ho tsepamisetsa maikutlo ditlhoko tsa hao - re mamela ha ditho di bua!
Ditsiane tsa tlhokomelo ya bophelo tse tswileng matsoho ka dikgahla tsa tefiso tse kgonehang.
Tshebeletso e Phethahetseng ya Sephiring - tlhahisoleseding ya hao e bolokwa sephiring ka ho phethahala kamehla - le mohiri wa hao a ke ke a e fuwa.
Tefo ya ditleleime ya kapele ka katleho matsatsing a mang le a mang a 14.
Setsi sa Mehala se o thusang ka lefe kapa lefe la maleme ohle a semolao a Afrika Borwa.
Tshebeletso ya bareki e nang le setswalle mme e atlehileng Setsing sa Mehala le diofisng tsa tikoloho tsa rona.
Phihlello ho tlhokomelo ya tsa bongaka e pharaletseng le ditsi tsa poraefete.
Lenaneo la Taolo ya Lefu ho laola kalafo le ditjeho tsa mafu a sa foleng.
Tshebeletso ya dihora tse 24 e akaretsang karolo e kgolo ya Afrika Borwa.
Ditshebele tsa tlhokomelo ya bophelo tse nang le boinahanelo le mananeo a jwalo ka Lenaneo la Ho Pepa, Matsatsi a Boitekanelo le Tlhahlobo moo o sebetsang, le tse ding tse ngata letotong la ditshebeletso le tswelang ho hola ka nako yohle. Re batla ho o nolofaletsa hore o dule o phetse hantle.
Ha o kenela GEMS, o karolo ya morero wa thuso ya tsa bongaka o matla o holang kapele palong ya ditho.
Bohato ba 1: Fumana foromo ya kopo - e ka ba ka ho loutolla webosaeteng www.gems.gov.
Bohato ba 2: Tlatsa foromo - etsa bonnete ba hore o tlatsitse dikarolo tsohle ka botlalo mme o fane ka ditokomane tsa tlatsetso tse kopilweng sheba: Ke ditokomane dife tseo o di hlokang ho tsamaya le kopo ya hao?
Bohato ba 3: Re romele foromo e tlatsitsweng le ditokomane ka Fekse, Poso kapa Imeile.
Ke ditokomane dife tseo o di hlokang ho tsamaya le kopo ya hao?
Haeba o batla ho kenela GEMS, o tla hloka ho fana ka dikhopi tse tiisitsweng ka molao tsa ditokomane tse itseng, jwalo ka ditokomane tsa boitsebiso, tsa hao le ditho tsa lelapa la hao, mmoho le foromo ya kopo ya hao. Eya webosaeteng ya rona ho www.gems.gov.za bakeng sa lenane le feletseng la ditokomane tseo o tla hloka ho di romela, kapa letsetsa Setsi sa Mehala sa rona ho 0860 00 4367. Ho bohlokwa ho lemoha hore haeba o sa kenyeletse ditokomane tsohle tseo re di hlokang, GEMS e ke k e ya kgona ho sebetsa kopo ya hao mme ho tla ba le tiehiso ho fihlela ditokomane tsohle tse hlokehang di amohetswe.
Jwalo ka kamehla, GEMS e tsitlallela ho o tlisetsa ditsiane tse ntle ka ho fetisisa tse ka kgonehang tsa bophelo bo botle tse loketseng pokotho ya hao. Bakeng sa sena, re tla boloka keketseho ya ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi ho latela infoleishene ya tsa bongaka. Ho o fa dikgetho tse eketsehileng ke sohle seo boikitlaetso ba rona bo lena mabapi le sona. Ho na le kgetho ya dihlapiso e loketseng ka ho phethahala ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo tsa lelapa la hao le pokotho ya hao!
Tsena ke kakaretso ya ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi mme ha di bontshe tlatseletso ya mohiri (sabsidi). Moo mosebetsi a tshwanelehang ho amohela sabsidi, mohiri o tla lefa karolo ya tlatsetso ena mme mosebetsi o tla lefa tjhelete e saletseng. Sabsidi e ka hodimodimo e ipapisitse le saese ya lelapa mme e na le moedi wa 75% ya ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi, ka moedi wa R2 570.
Romela SMS ho 083 450 4367 o bolela nomoro ya Persal ya hao, mme re tla o letsetsa.
Letsetsa Setsi sa Mehala ho 0860 00 4367.
<fn>(38201091030 AM) REO sesotho.txt</fn>
O amohetswe leqephe la 1Kgetho ya hao.
Ho laola BOTHO ba hao leqephe la 1 Ke hobaneng ho le bohlokwa ho laola botho ba hao leqephe la 1 Ke mang ya nang le tshwaneleho ya ho ba setho sa GEMS?
Tsohle mabapi le BAPHEDISUWA leqephe la 2 Ka moo o lokelang ho ngodisa baphedisuwa leqephe la 2 Na o ne o tseba?
DITSIANE tsa hao bakeng sa 2010 leqephe la 5 Ditsiane tsa selemo le selemo tsa GEMS ka 2010 leqephe la 5 Ke eng se sa lefellweng ke GEMS?
Kenela ntwa e kgahlanong le BOQHEKANYETSI!
O amohetswe ho GEMS e leng morero wa thuso ya bongaka wa kgetho ya bongata o atametsang bophelo bo botle ho wena. Jwale o karolo ya morero o matla o tsisitseng ho tsa ditjhelete o o fang letoto la dikgetho tsa melemo ya tlhokomelo ya bophelo e loketseng ditlhoko tsa hao mmoho le tsa lelapa la hao.
O ka dula o na le boitshepo ba hore o entse kgetho e nepahetseng ha o ba setho sa GEMS.
Ha GEMS re motlotlo hore mekutu ya rona e phehella ya tshebetso e tswileng matsoho, boikitlaetso ba rona ho wena le ditlhoko tsa hao tsa bophelo bo botle, e tswela pele ho qhoba tjheseho ya rona ho o fa melemo e hlwahlwa ka ho fetisisa ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ka dikgahla tsa ditjeho tse tlase ka ho fetisisa.
Ha re kenella ho 2010, GEMS e ipakile hore ke morero o matla o nang le matoto a pharaletseng a bafani ba tshebeletso ba fuweng konteraka ya ho o fa phihlello e ntle ka ho fetisisa ho tlhokomelo ya bophelo bo botle ka dikgahla tsa ditjeho tse tlase.
Tjhebo ya Morero ona ke...
Ho ba morero wa thuso ya bongaka o tswileng matsoho, o atlehileng bakeng sa basebetsi bohle ba tshebeletso ya mmuso.
Bophelo ba hao bo botle bo bohlokwa haholo! Moofisiri e mong le e mong wa GEMS o sebetsa ka tlhokomelo le potlako e lokelang ho netefatsa hore o kgona ho bo hlokomela.
Kgetho ya Hao.
Bukana ena e phethahetseng e hlalosa ka pharallo melemo le ditshebeletso tse fumanehang ho wena. Bala bukana ena ka hloko mme o e boloke sebakeng se bolokehileng ho netefatsa hore o ka e bala hape haeba o na le dipotso.
Bukana ena ke kgutsufatso ya dibopeho tse fapafapaneng tsa ditsiane tsa GEMS le melawana ya Morero. E reretswe ho sebetsa e le boikgopotso feela mme ha e nke sebaka sa melawana e ngodisitsweng ya Morero. Haeba ho na le pharela, melawana e ngodisitsweng e tla latelwa. Melawana e ngodisitsweng e fumaneha ho tswa ho: www.gems.gov.
Ke hobaneng ho le bohlokwa ho laola botho ba hao?
Jwalo ka setho o hloka ho etsa bonnete ba hore o latela melawana le mekgwatshebetso e itseng hore o fumane boleng bo phethahetseng ba botho ba hao. O hloka ho boloka Morero o le leseding mabapi le phetoho efe kapa efe e amang dintlha tse mabapi le wena le ho imatahanya le dipehelo le ditlhoko tsa botho ba hao.
Ke mang ya nang le tshwaneleho ya ho ba setho sa GEMS?
O le setho sa mohiri ofe kapa ofe ya dumeletsweng ke Morero.
Ha o a lokela ho ba setho kapa mophedisuwa ya ngodisitsweng mererong e fetang bonngwe ya bongaka ka nako e le nngwe.
Dikgahla tsa baphedisuwa ba batho ba baholo di sebediswa bakeng sa baphedisuwa ba dilemo di ka hodimo ho 21 - ntle le bakeng sa baphedisuwa ba baithuti ba nako yohle ba lefang dikgahla tsa bana ho fihlela letsatsi la bona la tswalo la dilemo tse 28 mme baphedisuwa ba nang le bokowa ba kelello kapa ba mmeleng ba lefiswa dikgahla tsa bana.
Haeba moputso wa mophedisuwa o feta moedi o hodimo wa Penshene ya Thekolohelo ya Mmuso kapa haeba mophedisuwa a hirilwe bakeng sa nako yohle, ha a ananelwe e le motho ya sa ikemelang ho tsa ditjhelete ho wena, mme ha a sa tla tshwaneleha ho ka ba mophedisuwa. Bakeng sa dintlha tse feletseng ka baphedisuwa, ka kopo tswela pele ho bala.
Ho bohlokwa ho latela melawana ya Morero le ho se senye menyetla e fanwang ke Morero, ho seng jwalo o ka beha botho ba hao kotsing..
Haeba setho sa sehlooho se tlohela tshebetso Tshebeletsong ya Mmuso.
Karete ya botho e tla fanwa ho setho se seng le se seng sa sehlooho.
Karete ya hao ya botho e ka sebediswa ke wena feela le baphedisuwa ba hao ba ngodisitsweng.
Wena kapa baphedisuwa ba hao le a lokela ho sebedisa karete ya hao ya botho kamora letsatsi la ho itokolla Morerong. Ditleleime dife kapa dife tse bakwang ke ditshebeletso tsa bophelo tse etseditsweng wena kapa mophedisuwa wa hao kamora letsatsi la hao la boitokollo di ke tsa lefellwa ke GEMS.
Fana ka karete ya hao ya botho ho bafani ba ditshebeletso ka dinako tsohle.
Bana (ba tswetsweng ke setho, ba abetsweng setho ka molao, ba tlisitsweng lenyalong kapa ba tlhokomelong ya setho), ba dilemo di ka tlase ho 21.
Bana (ba tswetsweng ke setho, ba abetsweng setho ka molao, ba tlisitsweng lenyalong kapa ba tlhokomelong ya setho), ba dilemo di ka hodimo ho 21.
Bana ba mo/baena.
Mophedisuwa ha a lokela ho ba setho/mophedisuwa ya ngodisitsweng wa merero e mmedi ya thuso ya bongaka ka nako e le nngwe. Ho nkuwa e le tlolo ya molao ho ba setho sa merero ya thuso ya bongaka e fetang bonngwe. Bakeng sa boholo ba mekgahlelo ya baphedisuwa e boletsweng ka hodimo mona, afidavite e pakang ho hloka boikemelo ho tsa ditjhelete e a hlokeha. Ka kopo sheba ka tlase mona bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng..
Ditokomane tsa ID kapa disetifikeiti tsa tswalo di a hlokeha ho ngodisa baphedisuwa bohle. Hape re hloka hore karolo ya mophedisuwa ya foromo ya kopo e tlatswe maemong ohle.
Diafidavite tse fapafapaneng di ka hlokeha. Diforomo tsohle di a fumaneha webosaeteng ya GEMS ho www.gems.gov.za kapa di ka kotjwa ka ho letsetsa 0860 00 4367.
Haeba lenyalo e le la setso, afidavite e tswang ho setho sa sehlooho e netefatsang boikarabello ba setho ho molekane wa hae.
Setifikeiti sa lenyalo se a hlokeha haeba fane ya monyalani e fapane le ya setho sa sehlooho.
Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.
Afidavite e tswang ho setho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa hodima setho.
Ngwana wa setho se ka sehloohong kapa monyalani le setho sa sehlooho o tlameha hore a ba a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwetsi kapa mokgwenyana.
Afidavite e tswang ho setho sa sehlooho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa hodima setho.
Batswadi ba lenyalong le maqheku a lenyalong ba ka ngodiswa haeba molekane ebile hape e le mojalefa ya ngodisitsweng.
Afidavite (e lokelang ho tlatswa ke setho) e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana wa habo setho hodima setho.
Ngwana wa habo setho sa sehlooho kapa monyalani le setho a ka ngodiswa e le mojalefa.
Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa bana ba habo monyalani jwalo ka baphedisuwa.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana/ bana ba ngwana wa habo setho hodima setho. Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho le ngwana wa habo sona, moo ho hlokehang.
Bana ba ngwana wa habo setho kapa monyalani le setho a ka ngodiswa e le mojalefa.
Haeba motswadi wa ngwana le yena a ngodisitswe e le mophedisuwa, afidavite e hlokeha feela ho tswa ho setho sa sehlooho bakeng sa motjhana.
Kalafo bakeng sa ditemalo ho sa natswe hore na lehlakoreng le leng le jara boikarabelo ba tefello (j.k. ditlaleho tsa temalo ya basebetsi ka nako ya tshebetso).
Roaccutane le Retin A, kapa dikalafo dife kapa dife tse sweufatsang letlalo.
Meedi ya ditsiane tseo setho le baphedisuwa ba sona ba nang le tokelo ho tsona selemong sefe kapa sefe sa ditjhelete di behetswe moedi jwalo ka ha ho tekilwe tlhophisong ya ditsiane bakeng sa selemo seo. Ntle le haeba ho qetilwe ka tsela e fapaneng ke Boto, ditsiane tse mabapi le meriana e fumanweng ka lengolo la ngaka di lekanyeditswe phepelo ya kgwedi e le nngwe bakeng sa lengolo leo la ngaka kapa ho phetwa ha lona.
Ka kopo hopola hore haeba o kenela Morero kamora la 1 Pherekgong selemong sefe kapa sefe, ditsiane tsa hao di tla sebetswa ho tloha ka letsatsi leo o keneng ka lona. Haeba o ka kena ka Phuptjane, ho etsa mohlala, o tla ba le tokelo ya halofo ya ditsiane tse fanwang tlasa meedi e meng e menyane tlasa morero, k.h.r Meriana ya Nako Yohle le ditsiane tsa Meriana ya Sekgahla.
Tjhebo ya Ditsiane ka SMS e o dumella ho tseba hantle hore ke ditsiane dife tseo sa ntseng o na le tsona. Haeba o hloka ho etela ngaka kapa ho etswa tshebetso e itseng, o ka hlahloba ditsiane tse fumanehang ho wena ka ho romela SMS ho 33489 (SMS ka nngwe e lefiswa R1.50).
Bohato 1 Thaepa Tlhapiso.
Bohato 2 Thaepa nomoro ya hao ya botho ha GEMS.
Bohato 3 Kgetha tlhapiso eo o batlang ho e sheba, j.k.
Bohato 4 Thaepa khoutu e kgutshwane, moedi o akaretsang.
Bohato 5 Thaepa khoutu ya mophedisuwa wa hao - o ka fumana sena kamorao kareteng ya hao ya botho tlasa "Lebitso" (j.k. 00, 01 jj).
Haeba o le setho sa sehlooho, thaepa "00".
Bohato 6 Tobetsa romela selefounung ya hao.
Naheng ka bophara, bafani ba tshebeletso ya bophelo ba fetang 10 000 jwalo ka dingaka tse akaretsang (GP), dingaka tsa meno, borakhemise, bathapolla-mmele, baalafi ba puo, ditsebi tsa mahlo 'optometrists' jj. ba saenetse ho ba 'Metswalle ya GEMS'. Bafani bana ba tlhokomelo ya bophelo ba dumetse ho se lefise ditho tsa GEMS ditefiso dife kapa dife tse ka hodimo le ditefiso mmoho bakeng sa ditshebeletso tse fanweng, ho latela melawana ya Morero.
Sohle se hlokehang ho fumana 'Motswalle wa GEMS' sebakeng sa heno ke ho romela SMS ha bonolo feela ho 33489 (SMS ka nngwe e lefiswa R1.50). Haeba o dula Pretoria Leboya mme o hloka ho bona ngaka ya meno, o hloka feela ho romela SMS ka tsela e latelang: Nomoro ya setho, Ngaka ya meno, Pretoria North. GEMS e tla araba ka SMS hanghang e fana ka tlhahisoleseding ya boikopanyo ya dingaka tsa meno tse fihlang borarong tse sebakeng sa Pretoria Leboya tseo e leng 'Metswalle ya GEMS'. Haeba ho se bafani ba ditshebeltso sebakeng seo o se kopileng, GEMS e tla sheba Metswalle dibakeng tse haufi. Kamehla o dula o se hole le "Motswalle" ha o mo hloka.
Tsebiso ya ditleleime GEMS e na le mokgwa wa tsebiso ya ditleleime wa SMS o bonolo. O tla amohela SMS ho tswa ho GEMS ha re amohetse tleleime ho tswa ho mofani wa tshebeletso ya bophelo kapa ho tswa ho wena. Ha o amohela SMS ha ho bolele hore tleleime e lefuwe, empa ke hore re e amohetse mme re ntse re e sebetsa. Tshebeletso ena e o thusa ho sala morao ditlelime tsohle tsa hao mme e o lemosa ka ditleleime dife kapa dife tse ntseng di sebetswa kgahlanong le ditsiane tsa hao.
Mohala wa bophelo wa GEMS Mohala wa bophelo ke tshebeletso ya sephiri ya dikeletso e etswang ke baoki boiphihlelo, ba ngodisitsweng. Letsetsa 0860 00 4367 bakeng sa dikeletso tsa bophelo bo botle: Mantaha - Labohlano (08h00 to 17h00) le ka Meqebelo (08h00 ho fihla ka 12h00).
O ka bua le basebetsi ba bophelo ba rupetsweng mabapi le ditaba tsa hao tsa bophelo bo botle le tsa ho ikutlwa hantle. Baoki ba sebetsanang le Mohala wa Bophelo ba ka o eletsa mabapi le dingongoreho tsa hao tse mabapi le bophelo bo botle ole ho o fa dikeletso tse kgethehileng mabapi le hore na meriana e dumanwang ka kotloloho e tla tla lekana, kapa haeba o tlameha ho etela ngaka kapa ho ya phapusing ya tshohanyetso sepetlele.
GEMS e fana ho ditho ka mananeo a qollehileng a tlhokomelo ho tshehetsa taolo ya mafu le bokudi bo fapafapaneng bo sa foleng. Haeba o tshwerwe ke Letshea, Bokudi ba Maikutlo a Fetohang Kapele, Lefu la Methapo ya pelo le Tswekere ya mofuta wa 1 le ya mofuta wa 2, o tla fumana ditsiane tsa ho kenela lenaneo la taolo ya mafu bakeng sa bokudi ba hao ka ho ikgetha.
Mananeo ana a ditsiane a kenyeletsa thuto, dikekeletso le tshehetso ke dingaka tse rupetsweng, tlhahlobo ya meriana e ntseng e sebediswa hajwale le tshehetso ya kamano ya ngaka/mokudi. Haeba wena, lelapa kapa setho sa lelapa la hao, le na le bokudi ba nako yohle jwalo ka letshwea (asma), tswekere, jj, kapa o kene sepetlele ka lebaka leo, ho kenela lenaneo le amehang ho tla ba le molemo o moholo ho wena.
Haeba o fumanwe o na le kankere, ho bohlokwa haholo hore o ngodise Lenaneong la Taolo ya Kankere hang feela ha o qadile ka kalafo e tswellang, kaha kalafo yohle ya kankere e hloka tumello ya sethathong le taolo ya taba ena.
Hang ha sehlopha sa Taolo ya Kankere se amohetse morero wa hao wa kalafo, dintlha tsa hao, tlhahisoleseding ka lefu la hao le kalafo e rerilweng di tla kenngwa sistiming. Morero wa kalafo o a hlahlobiswa mme, haeba ho hlokeha, setho sa sehlopha sa bongaka se tla ikopanya le ngaka ya hao ho tshohla ditsela tse ding tse baballang ditjeho tsa kalafo e atlehileng. Kamora hore morero wa kalafo o lekolwe mme o dumellwe, tumello e tla romelwa ho ngaka e o alafang. Hape o tla romelwa lengolo la tumello. Lengolo lena le tla bontsha kalafo e dumeletsweng, bongata bo dumeletsweng ba yona le nako ya matla a tshebetso ya tumello ena.
Ka kopo etsa bonnete ba hore ngaka ya hao e tsebisa sehlopha sa Taolo ya Kankere mabapi le phetolo efe kapa efe ya kalafo ya hao, kaha tumello ya hao e tla hloka ho lekolwa botjha le ho kgemiswa le dinako.
Ke mang ya lokelang ho ngodisa lenaneong lee?
Ke feela bakudi ba se ntse ba fumanwe ba na le kankere mme ba se ntse ba fumantshwa kalafo ba tlamehang ho ngodisa.
Ha o fumanwe hore o na le kankere, ngaka ya hao e o alafang e tlameha ho romela ka FEKSE khopi ya morero wa kalafo bakeng sa hao ho 0861 00 4367. Mookamedi wa ditaba tsa kankere o tla tswelletsa tshebetso ena pele.
Taolo ya tlhokomelo ya mahlo ke lenaneo le o fang ditsiane tsa bohlokwa tsa bongaka bakeng sa tlhokomelo ya mahlo ka bahlokomedi ba mahlo (optometrists).
Ke ditsiane dife tse fumanehang?
Dilense tse thata tsa dikhontakte, tse bonolo tse tlwaelehileng le tsa khontakte tse lahlwang, ho latela ditsiane tse fumanehang.
Moalafi wa hao wa mahlo a ka fana ka kgothaletso bakeng sa dintho tse hlokehang ka mabaka a bongaka jwalo ka dilense tsa digalase le ditlatseletso tse lokelehang tseo ka tlwaelo di sa sireletswang ditsianeng tsa boalafi ba pono. Qeto e tla etswa mabapi le hore na ditleleime tsa mofuta ona di a lefellwa kapa tjhe ho ipapisitswe le tlhokeho ya dintho tsena.
Dilense tsa Plano (tse se nang matla) bakeng sa mahlo bobedi di KE tsa lefellwa ke Morero. Digalase tsa mahlo tsa letsatsi le tsona ha di lefellwe ke Morero.
Taolo ya kalafo ya memo ya meno e kgethehileng, ho netefatsa hore o na le ditsiane tse fumanehang le hore mokgwatshebetso oo o sireleditswe. Lengolo le ngotsweng la morero wa kalafo le kakanyo ya ditjeho tsa kalafo ho tswa ngakeng ya hao ya meno le tla thusa hore o tsebe hore o na le ditsiane tse kae tse fumanehang. Sena se bohlokwa ho feta pele o fumana kalafo ya meno ya ho sebetswa ka thipa kapa ho fumana kalafo e amanang le tsena. Dikalafo tsohle tsa tokiso ya meno le marenene di tlameha ho fuwa tumello ya sethathong. Ho ka ba le mekgwatshebetso wa kalafo ya meno e ke ng ya sireletswa ka mabaka a tsa boithuti, bointlafatso, ditjhelete le mabaka a mang.
Jwalo ka setho sa moimana sa GEMS, o na le phihlello ho Lenaneo la ho Pepa la GEMS. Lenaneo lena le radilwe ka ho kgetheha hore le o fe tshehetso, thuto le dikeletso mekgahlelong yohle ya boimana ba hao, ho pepa le nako ya botswetse (kamora ho pepa).
Lenaneo la ho pepa le eteletswe pele ke baoki ba nang le boiphihlelo, ba ngodisitsweng mme ba nang le thupelo ya tlatsetso ya bopepisi. Baokamedi bana ba ditaba ba tla o thusa ka ngodiso Lenaneong la ho pepa mme ho ka ikopanngwa le bona bakeng sa tlhahisoleseding.
Re kgothaletsa hore o sebedise tlhapiso ena e ntle nakong ena e kgethehileng. Motsamaisi wa taba ena o tla tswella ho ikopanya le wena kamora hore o amohelwe sepetlele le kamora hore lesea la hao le hlahe ho o fa dikeletso tse tswellang le tlhahisoleseding e mabapi le ho ba motswadi e motjha.
Lenaneo la ho Pepa le eteletswe pele ke baoki ba nang le boiphihlelo, ba ngodisitsweng mme ba nang le thupelo ya tlatsetso ya bopepisi. Batsamaisi ba ditaba ba tla o thusa ka ngodiso bakeng sa Lenaneo la ho Pepa mme o ka ikopanya le bona bakeng sa keletso mme ba tla tswella ho ikopanya le wena kamora hore o amohelwe sepetlele le ho hlaha ha lesea la hao.
O tla amohela buka ya GEMS ya boimana, ho pepa le ho ba motswadi e motjha ha o ngodisa Lenaneong lena.
Mokotla wa baimana o tla romelwa ho wena nakong ya dikgwedi tse tharo tsa qetello tsa boimana ba hao.
Phihlello ya mahala ditshebeletsong tsohle tse fanwang ke Lenaneo.
Tlhahisoleseding e tla kgonahatsa hore o utlwisise ditsiane tse fanwang ke GEMS nakong ya boimana ba hao le kamora ho hlaha ha ngwana wa hao.
O amohela Morero wa Tlhokomelo ho tataisa ngaka ya hao kalafong e lokelang e hlokehang bakeng sa nako ya boimana ba hao.
Keletso e mabapi le ditsiane tse tla lefellwa ke GEMS nakong ya ho kena tlung ha hao le dikgetho tse ding tse fanwang.
Phihlello ho tlhokomelo ya bophelo e tla kgonahatsa hore o nke karolo le mopepisi kapa ngaka ya hao ho etseng diqeto tse mabapi le bophelo ba hao le dikgetho tsa hao tsa ho pepa.
Phano ya tumello ya kamohelo ya hao sepetlele/setsing sa ho pepa sa kgetho ya hao.
Dikeletso le tshehetso tse fanwang ka mohala haeba o ba le mathata nakong ya dibeke tse mmalwa tsa pele o le motswadi e motjha.
Taolo ya Sepetlele e netefatsa hore o amohela tlhokomelo e lokelang, ya boleng ha o ntse o le sepetlele. Tshebetso ya tumello ya sethathong e netefatsa tlhokeho le tshwaneleho ya bongaka tsa tharollo e rerilweng pele o amohelwa sepetlele.
Qala pele ka ho fumana tumello ya sethathong (pre-authorisation)!
Meriana le mekgwatshebetso e meng e nkuwa e le thekenoloji e ntjha, e leng se bolelang hore diphetho tsa nakong e telele le katleho ya kalafo ha di eso batlisiswe kapa di nkuwa e le dintho tse sa lefellweng ke ditsiane. Tsena di tlameha hore ka dinako tsohle di tshohlwe mmoho le wena pele di ka etswa, empa ka nako e nngwe ha di hloke ho tshohlwa. Boemong bo tjena, GEMS e ka hloka ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng le phano ya mabaka, le kamora tshebetso ena ho sa ntse ho ka etsahala hore e se kenyeletswe bakeng sa tefello. Ka kopo tshohla dikgetho tsohle tsa hao mmoho le mofani ya o alafang mme o etse dikgetho tse nang le kutlwisiso mabapi le tlhokomelo ya hao le ya baphedisuwa ba hao.
Ke lokela ho etsa kopo ya PAR neng?
Haeba o rerile ho etela kapa ho amohelwa sepetlele (mokudi ya kantle kapa ya kahare) kapa o ya ho fumana sekene, ka kopo re tsebise bonyane dihora tse 48 pele o ya sepetlele.
Haeba o hloka ho fumana kalafo ya tsohanyetso kapa ho amohelwa sepetlele nakong ya mafelo a beke, letsatsi la phomolo kapa bosiu, wena kapa setho sa lelapa la hao se tlameha ho letsa hoseng ha letsatsi la pele la tshebetso le latelang ketsahalo ena.
Khoutu ya tshebetso ya mofani ya alafang Khoutu ya tshebetso ya mofani, j.k.
Lebitso le letsatsi la tswalo la mokudi.
tlhahlobo e entsweng ya bongaka; le mokgwatshebetso o rerilweng bakeng sa kalafo, mmoho le dikhoutu tsa tefiso tseo ngaka a ikemiseditseng ho di sebedisa.
Mohato wa pele ho nefefatsa hore tleleime ya hao e sebeditswe le ho lefuwa ka katleho ke ho utlwisisa tshebetso ya tefo ya ditleleime.
Ke mang ya ka romelang ditleleime?
Ditleleime di ka romelwa ke setho (wena) kapa mofani wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo (ngaka ya hao).
Lefapha la Ditleleime le amohela, lekanya le ho dumella tefo ya ditleleime tse nepahetseng ho latela melawana ya Morero le ditsiane tse fumanehang.
Ditleleime di lefuwa neng?
Ho e nngwe ya dinako tse pedi tsa tefo tse behilweng kgweding.
Na ditleleime tsa meriana di sebetswa hanghang ha di amohetswe?
Ditleleime tsa meriana di ka romelwa ka tsela ya elektroniki e nkang metsotswana feela ke rakhemise wa hao sebakeng seo e rekilweng ho sona haeba melawana yohle e phethahaditswe pele ho theko.
Sena se bolela hore o tla tseba boemo ba ditsiane tsa hao hanghang mme o kgone ho fumana meriana ya hao ntle le hore motho e mong a kope hore o e lefelle kontane.
Ho bohlokwa hore Morero o amohele tlhahisoleseding ya botho e kgemang le dinako hore e sebetse ditleleime tsa hao. Re hloka tlhahisoleseding ena hore re etse bonnete ba hore re lefa ditleleime ka nepo le hore direkoto tsa ditho tsa rona di dula di phethahetse kamehla mme di kgema le dinako. Hape ho bohlokwa hore ditho di fane ka dintlha tsa boitsebiso ba baphedisuwa ba tsona ho Morero. Ha o romela ditleleime bakeng sa baphedisuwa, netefatsa hore di a ngodiswa mme dintlha tsa tsona di hlahella foromong ya tleleime. Morero hape o hloka khopi ya di/setifikeiti tsa tswalo kapa ditokomane tsa boitsebiso (ID) tsa baphedisuwa ho netefatsa hore dipremiamo di lefuwe ka botlalo.
Ho bohlokwa ho fumana tumello ya sethathong bakeng sa kalafo e jwalo ka ya kankere le ho amohelwa sepetlele. Hang ha e fuwe tumello, ngaka e sa ntse e hloka ho tsebisa GEMS mabapi le phetolo efe kapa efe kalafong ya hao kaha tumello ya hao e tla hloka ho lekolwa le ho behwa maemong. Haeba sena se sa etsahale, ditleleime tsa hao di ka hanelwa kapa tsa lefuwa ho tswa ditsianeng tse fosahetseng kaha ho tla be ho sa ba le tumello.
ka kopo se ke wa leka ho sebedisa karete ya hao ya botho ya GEMS bakeng sa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo. Ditleleime dife kapa dife tse lefilweng ho mofani wa ditshebeletso tsa bophelo bo botle kamora hore o itokolle tshebeletsong ya mmuso, di tla lokela ho buseletswa GEMS.
Ho molemong wa hao haholo ho netefatsa hore o utlwisisa tshebetso ya tefo ya tleleime ya hao ho qoba ditshitiso dife kapa dife tse ka hlahelang ditleleime tsa hao.
Ikopanye le GEMS nomorong ya 0860 00 4367 haeba o se na bonnete ba hore tleleime e hannwe kapa tjhe.
Mofuta wa mofani wa ditshebeletso ngaka ya mafu a akaretsang, rekhemisi, mofuta wa ngaka e kgethehileng, jj.
Diteko tse boletsweng tse entsweng j.k.
Haeba ditokomane tse ka hodimo mona di le ka puo ya boditjhaba, netefatsa hore phetolelo ya tsona Senyesemaneng ka ho phethahala e romelwa ho GEMS.
Ditleleime: Re hloka ho o buseletsa tjhelete efe?
Ho sirletsa bobedi wena le Morero wa hao, ditefo tse etswang ho ditho di tla etswa ka tsela ya elektroniki. Ka hona, o hloka ho netefatsa hore Morero o na le dintlha tse nepahetseng tsa hao tsa banka.
HO FETOHELA KGETHONG E NNGWE YA DITSIANE Ha o hloke ho tlatsa foromo ya ketso ya kgetho haeba o kgetha ho dula O ka fetola kgetho ya ditsiane tsa hao ha nngwe feela ka selemo. Botho ba kgetho o le kgethong eo o leng ho yona. Leha ho le jwalo, haeba dintlha tsa hao tsa e ntjha ya hao bo tla qala ka la 1 Pherekgong selemo le selemo, haeba o kgethile boikopanyo di fetohile, foromo ya ketso ya kgetho e molemo hape jwalo ka tsela ho fetola kgetho ya hao selemong se fetileng. Ka Pudungwana selemo se seng ya ho netefatsa hore re na le dintlha tsa moraorao tsa hao tsa boikopanyo. Dikopo le se seng, GEMS e tla o romela tlhahisoleseding e mabapi le ditsiane tse ntjha dife kapa dife tse ding tsa phetolo ya kgetho nakong ya hara selemo sa ditsiane mmoho le foromo ya ketso ya kgetho bakeng sa selemo se latelang. e tlameha ho romelwa ho Boto ya Batshwaredi (Board of Trustees) bakeng sa tumello.
O ka fumana molemo ka monyetla wa ho hlahlojwa ka tsela ya seprofeshenale bakeng sa dikotsi tse ka bang teng bakeng sa bophelo bo botle sebakeng sa hao sa tshebetso. Maikemisetso a rona ke ho kgonahatsa hore wena le basebetsi ba bang lefapheng la heno le hlokomele maemo a ka bang kotsi ho bophelo bo botle e sa le pele, e le hore ho qhoma ha mafu ho thibelwe kapa ho fokotswe.
Ho etsahala eng ka Letsatsi la Tlhahlobo ya ho Phela Hantle?
Baprofeshenale ba tlhokomelo ya bophelo ba fumaneha hore ba tshohle le wena histori ya hao ya tsa bophelo bo botle le ho etsa diteko tsa tlhahlobo ya bongaka. Sephetho sa diteko tsena se tla tshohlwa le wena o le mong. O tla amohela dikekeletso ka mehato eo o tlamehang ho e nka ho ntlafatsa bophelo ba hao.
E le tlatseletso hodima sena, tshidilo ya hlooho le molala di tla fanwa.
Ke diteko dife tsa ho phela hantle tse tla etswa?
O tla lokela ho tlatsa letoto la dipotso tse bonolo tse mabapi le histori ya hao ya bophelo bo botle, e tla fa baprofeshenale ba tlhokomelo ya bophelo tjhebo e itseng mabapi le profaele ya hao ya mathata a ka bang teng a bophelo ho wena pele diteko di etswa.
Haeba letoto la dipotso kapa diteko di bontsha hore o kotsing ya mathata a bophelo bo botle, moprofeshenale wa tlhokomelo ya bophelo o tla o fa tshehetso le dikeletso mabapi le mehato e tlamehang ho nkuwa ho fokotsa kapa ho thibela kotsi eo.
Hape ho tla fanwa ka dibukana tsa tlhahisoleseding tse hodima dihlooho tse jwalo ka ho tsuba, boikwetliso le taolo ya boima ba mmele.
Tlhahisoleseding yohle le diphetho tsa diteko ke tsa sephiri mme di ke tsa fanwa ho Lefapha lefe kapa lefe la Mmuso kapa baofisiri ba lona.
Ka moo o ka Beheletsang Letsatsi la Tlhahlobo ya ho Phela Hantle?
Haeba kopo e ikamahanya le maemo a rona a tlwaelo a tshebetso ya diteko tsa tlhahlobo ya ho phela hantle, e tla tiiswa ke GEMS nakong ya dihora tse 24 mme re lebella ka thahasello letsatsi leo la monyaka mmoho le wena.
Boqhekanyetsi ke taba e mahlonoko e amang ditsiane tsa morero wa thuso ya bongaka wa hao.
Ke eng se nkuwang e le boqhekanyetsi?
Boqhekanyetsi bo hlaloswa e le bolotsana ba maikemisetso bo seng molaong bo bakang ho ba kotsing kapa bo ka behang kotsing morero wa thuso ya bongaka (GEMS). Re kentse tshebetsong Mohala wa Boqhekanyetsi wa mahala o sa botseng mabitso, e leng 0800 21 22 02.
Mehlala ya boqhekanyetsi e kenyeletsa: Ho kadimana ka karete ya hao ho motswalle kapa ho dumella ngaka ho lefisa ditshebeletso tseo a sa di fanang.
Mohala wa Boqhekanyetsi wa GEMS o tsamaiswa ke KPMG, e leng khampani e ikemetseng e netefatsang hore ditho tse tlalehang boqhekanyetsi di dula di sa tsebahatswe mabitso. Tulo ya Setsi sa Mehala le webosaete tse sireletsehileng ha di phatlalatswe ho netefatsa tshireletso ya baletsi le direkoto. Motho e mong le e mong ya letsang ha a hlokwe boitsebiso, ntle le haeba a kgetha ho tsejwa.
Haeba o tseba ka boqhekanyetsi bofe kapa bofe bo etsahalang kapa bo rerilweng, bo emise hanghang ka ho letsetsa Mohala wa boqhekanyetsi wa GEMS wa mahala dihoreng tse 24 nomorong ya 0800 21 22 02.
Ho feta mona o ka romela imeile ho gems@kpmg.co.za, empa o dule o hopotse hore ho sebedisa mokgwa ona ho ka nna ha senola mabitso a hao, haeba o lakatsa ho dula o sa tsejwe.
Ntle ho Boto ya Batshwaredi ya Morero (Board of Trustees - BOT) le Sehlopha sa Bookamedi, ho na le Dikomiti tse hlano tsa Boto tse hlokometseng mosebetsi o etswang dibakeng tse fapaneng. Ba phetha mosebetsi wa bona ba etse hloko ditabatabelo tsa hao ka ho phethahala mme o ka dula o na le bonnete ba ho tseba hore morero wa thuso ya bongaka wa hao o matsohong a bolokehileng.
E thusa Boto ya Batshwaredi (BOT) ka ho phetha ditshebetso tsa yona tse mabapi le maano a poloko ya dibuka tsa ditjhelete tsa Morero, disistimi tsa taolo ya kahara morero, ditlaleho tsa tsa ditjhelete le ditshebetso tsa taolo ya menyetla ya dikotsi.
E thusa BOT ho netefatsa tshebetso e atlehileng ya Morero, jwalo ka pokeletso ya ditlatsetso, tefo ya ditleleime le taolo ya direkoto tsa ditho. Komiti hape e thusa BOT mabapi le tsa mebaraka le dikgokahano.
E lekanya, e etsa diqeto le ho etsa ditlaleho mabapi le ho dumellwa ha ditsiane tsa Mohau, k.h.r. tefo ya ditleleime tsa ditho moo ditsiane tsa tlwaelo di sa fumaneheng. Mokgwa wa tlhahlobelo o tiileng o sebediswa ke Komiti ha e kopana kgwedi le kgwedi ho sekaseka dikopo tsa ditsiane tsa Mohau.
E netefatsa hore taolo e tiileng ya khampani e a phethahatswa ditabeng tse amang Morero ka ho netefatsa hore Morero ha o tlole molao kapa molawana ofe kapa ofe o amang ditshebetso tsa wona. E tlameha hape ho etsa bonnete ba hore kgwebo ya Morero e tsebahatswa ka nepo le ho laolwa ka tshwanelo mme ditabatabelo tsa boraseabo bohle Morerong di a sireletswa.
E sekaseka ka boikemelo le ho mamela efe kapa efe eo Moofisiri ya ka Sehloohong a ka e fetisetsang ho yona bakeng sa tharollo.
Lentswe la kgutsufatso le bolela ena?
Meriana ya Sekgahla: Meriana e laetsweng bakeng sa lefu kapa bokudi ba nakwana; ho kokobetsa matshwao a ho kula kapa ditshwaetso, ho nonyetseha, jj.; kapa meriana ya tlatsetso ya tlhaho (homeopathic).
Lenane la Tlatsetso la Mafu a Nako Yohle (Additional Chronic Disease List - ACDL): Ana ke mafu a nako yohle a tlatsetso ho a hlahellang lenaneng la molao la mafu a 26, ao Morero o fanang ka ditsiane tsa meriana ya nako yohle bakeng sa wona.
Lenane la Mafu a Nako Yohle (Chronic Disease List -CDL): Lenane la bokudi/mafu a nako yohle a 26 a molao le boemo ba bonyane ba ditsiane tsa kalafo le tlamellang.
Ho bona ngaka: Ketelo ya ho bona ngaka ya hao, ngaka ya diopareishene kapa mofani e mong ho fumana tlhahlobo le/kapa kalafo.
Mofani wa Ditshebeletso ya Kgethilweng (Designated Service Provider - DSP): DSP ke mofani wa tlhokomelo ya bophelo ya kgethilweng ke morero ho fana ka ka ditshebeletso tse qollehileng ho ditho.
Meriana ya Jenerike: Meriana ya jenerike e na le motswako wa dikhemikale, matla le sebopeho (k.h.r. pilisi, sirapa) tse tshwanang le tsa meriana ya lebitso la nnete bakeng sa sehlahiswa seo. Lekgotla la Taolo ya Meriana (Medicines Control Council - MCC) le hlahloba boleng ba jenerike e nngwe le e nngwe le lebitso la moetso wa moriana pele e ngodiswa. Meriana ya jenerike tsela e bolokehileng mme e sebetsang ka katleho hantle feela jwalo ka sehlahiswa sa nnete sa moriana wa lebitso leo, empa e fumaneha ka theko e tlase.
Tlhophiso ya Meriana: Letoto le hlophisitsweng la meriana ke letoto la meriana e baballang ditjeho le tataisang ngaka mabapi le kalafo ya bokudi ka ho fapafapana. Matoto a meriana a hlophisitsweng a hlahlojwa nako le nako le ho kgemiswa le dinako ke ditsebi tsa bongaka ho netefatsa hore a dumellana le melawana ya moraorao ya kalafo.
Akhaonto ya Dipolokelo ya Motho (Personal Medical Savings Account - PMSA) Morero o aba karolo ya tlatsetso ya hao ya kgwedi le kgwedi akhaontong ya polokelo e lebitsong la hao. Tjhelete e akhaontong ena e sebedisetswa ho lefa ditjeho tsa hao tsa bongaka tsa kantle ho sepetlele. Ha tjhelete e akhaontong ena e fedile, o fellwa ke ditsiane tsena.
Tumello ya sethathong: Tshebetso ya ho tsebisa GEMS mabapi le mokgwatshebetso o rerilweng pele ho ketsahalo, e le hore tumello e fanwe.
PMB: Tsena ke ditsiane tsa motheo tse tla fanwa bakeng sa bokudi bo itseng, j.k. Letshwea, Kgatello e phahameng ya madi, jj. tseo ka molao di tlameha ho fanwa ke merero yohle ya thuso ya bongaka e ngodisitsweng.
Tlhokomelo Thibelo: GEMS e lefella ditsiane tsa kantle ho sepetlele tsa tlhokomelo ya thibelo dikgethong tsohle tsa ditsiane tsa boloko kapa PMSA bakeng sa Ruby. Leha ho le jwalo, ho Ruby ho na le tshireletso ya bakeng sa diteko tsa thibelo tsa kantle ho sepetlle hodima ditsiane tsa tlwaelo tsa letsatsi le letsatsi. Sena se bolela hore ditho tse ho Ruby di sebedisa ditshebeletso tsa thibelo jwalo ka ha di hlalositswe tlhophisong ya ditsiane, di tla lefellwa ho tswa letloleng la tshireletso ya kotsi la Morero, e seng ho tswa akhaontong ya dipolokelo le/kapa bolokong ba ditsiane tsa setho.
Setho sa sehlooho: Sena ke setho se seholo se ngodisitsweng ke Morero.
Mophedisuwa ya ngodisitsweng: Motho kapa batho ba itshetlehileng hodima setho sa sehlooho mme ba ngodisitswe ke Morero ho arolelana ditsiane tse fanwang ho setho sa sehlooho.
Morero wa bongaka o nang le dithibelo: Morero wa thuso ya bongaka oo e leng basebetsi ba mokgatlo o itseng feela bao e ka bang ditho tsa wona.
Sekgahla sa morero: Tefiso e rerisanweng dipakeng tsa Morero le bafani ba tshebeletso mabapi le tefo bakeng sa ditshebeletso tse fanweng ke bafani ba tshebeletso ho ditho tsa Morero.
Moedi wa karolelano: Moedi wa karolelano ke tjhelete ya ditsiane e sebetsang bakeng sa mekgahlelo ya ditsiane e mmedi kapa ho feta. Mohlala o motle ke ditsiane tsa Radioloji e Hatetseng Pele e nang le moedi wa yona wa kahare ho sepetlele le kantle ho sepetlele. Sena se bolela hore haeba o o sebedisa ditsiane tse feletseng bakeng sa ditefello tsa kantle ho sepetlele, ditsiane tsa kahare ho sepetlele bakeng sa mokgahlelo ona wa ditsiane le tsona di tla fela.
Dingaka tse kgethehileng (specialist) Dingaka tse sebetsang ka ho kgetheha lekaleng le itseng la bongaka, jwalo ka kalafo ya kankere, bongaka ba bana, bongaka ba basadi.
<fn>(38201091103 AM) SB Sesotho.txt</fn>
O amohetswe leqephe la 01Kgetho ya hao.
Ho laola BOTHO ba hao leqephe la 02 Ke hobaneng ho le bohlokwa ho laola botho ba hao leqephe la 02 Ke mang ya nang le tshwaneleho ya ho ba setho sa GEMS?
Tsohle mabapi le BAPHEDISUWA leqephe la 03 Ka moo o lokelang ho ngodisa baphedisuwa leqephe la 03 Na o ne o tseba?
DITSIANE tsa hao bakeng sa 2010 leqephe la 06 Ditsiane tsa selemo le selemo tsa GEMS ka 2010 leqephe la 06 Ke eng se sa lefellweng ke GEMS?
HO FETOHELA KGETHONG E NNGWE YA DITSIANE leqephe la 23 O amohetswe ho GEMS e leng morero wa thuso ya bongaka wa kgetho ya bongata o atametsang bophelo bo botle ho wena.
Kenela ntwa e kgahlanong le BOQHEKANYETSI!
o matla o tsisitseng ho tsa ditjhelete o o fang letoto la dikgetho tsa melemo ya tlhokomelo ya bophelo e loketseng ditlhoko tsa hao mmoho le tsa lelapa la hao.
Ha GEMS re motlotlo hore mekutu ya rona e phehellang ya tshebetso e tswileng matsoho, boikitlaetso ba rona ho wena le ditlhoko tsa hao tsa bophelo bo botle, e tswela pele ho qhoba tjheseho ya rona ho o fa melemo e hlwahlwa ka ho fetisisa ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ka dikgahla tsa ditjeho tse tlase ka ho fetisisa.
Ha re kenella ho 2010, GEMS e ipakile hore ke morero o matla o nang le matoto a pharaletseng a bafani ba tshebeletso ba fuweng konteraka ya ho o fa phihlello e ntle ka ho fetisisa ho tlhokomelo ya bophelo bo botle ka dikgahla tsa ditjeho tse tlase.
Ho fana ka phihlello e nang le tekatekano ya melemo ya tlhokomelo ya bophelo bo botle e phethahetseng ho basebetsi bohle ba mmuso.
Tjhebo ya Morero ona ke...
Ho ba morero wa thuso ya bongaka o tswileng matsoho, o atlehileng bakeng sa basebetsi bohle ba tshebeletso ya mmuso.
Bophelo ba hao bo botle bo bohlokwa haholo! Moofisiri e mong le e mong wa GEMS o sebetsa ka tlhokomelo le potlako e lokelang ho netefatsa hore o kgona ho bo hlokomela.
Kgetho ya Hao.
Bukana ena e phethahetseng e hlalosa ka pharallo melemo le ditshebeletso tse fumanehang ho wena. Bala bukana ena ka hloko mme o e boloke sebakeng se bolokehileng ho netefatsa hore o ka e bala hape haeba o na le dipotso.
Bukana ena ke kgutsufatso ya dibopeho tse fapafapaneng tsa ditsiane tsa GEMS le melawana ya Morero. E reretswe ho ba boikgopotso feela mme ha e nke sebaka sa melawana e ngodisitsweng ya Morero. Haeba ho na le pharela, melawana e ngodisitsweng e tla latelwa. Melawana e ngodisitsweng e fumaneha ho tswa ho: www.gems.gov.za; Lekgotla la Merero ya Thuso ya Bongaka (Council for Medical Schemes); le ho Moofisiri ya ka Sehloohong ha e kotjwa ka mongolo.
Ke hobaneng ho le bohlokwa ho laola botho ba hao?
Jwalo ka setho o hloka ho etsa bonnete ba hore o latela melawana le Boloka GEMS e le leseding mabapi le diphetoho ka mongolo hang ha dife kapa mekgwatshebetso e itseng hore o fumane boleng bo phethahetseng ba botho dife tsa dintlha tse latelang di ka fetoha:ba hao.
Dintlha tsa hao tsa ho banka;botho ba hao.
Haeba setho sa sehlooho se tlohela tshebetso Tshebeletsong ya Mmuso. tsa hao.
Lefapheng la Naha le boletsweng Tlhophong ya 1 ya Molao wa Tshebeletso Mmuso.
Karete ya botho e tla fanwa ho setho se seng le se seng sa sehlooho.
Karete ya hao ya botho e ka sebediswa ke wena feela le baphedisuwa ba hao Tshebeletso ya Setjhaba; kapa ba ngodisitsweng.
O le setho sa mohiri ofe kapa ofe ya dumeletsweng ke Morero.
Wena kapa baphedisuwa ba hao le a lokela ho sebedisa karete ya hao ya Dipehelo le ditlhoko tsa botho ba GEMS botho kamora hore le tswe Morerong.
Ha o a lokela ho ba setho kapa mophedisuwa ya ngodisitsweng mererong e ke ditshebeletso tsa bophelo tse etseditsweng wena kapa mophedisuwa wa fetang bonngwe ya bongaka ka nako e le nngwe. hao kamora letsatsi la hao la boitokollo di ke tsa lefellwa ke GEMS.
Haeba o khansela botho ba hao kapa o ngodisolla mophedisuwa, GEMS e tla la tswalo la dilemo tse 28 mme baphedisuwa ba nang le bokowa ba kelello fana ka setifikeiti sa botho ho setho kapa mophedisuwa eo; kapa ba mmeleng ba lefiswa ka dikgahla tsa bana.
Ka kopo netefatsa hore o ngola nomoro ya hao ya botho ngollanong yohle eo Thekolohelo ya Mmuso kapa haeba mophedisuwa a hirilwe bakeng sa nako o bang le yona le Morero; mme yohle, ha a ananelwe e le motho ya sa ikemelang ho tsa ditjhelete.
Ka kopo hopola hore haeba o kenela Morero kamora la 1 Pherekgong dintlha tse feletseng mabapi le baphedisuwa, ka kopo phetla leqepheng la 3 selemong sefe kapa sefe, ditsiane tsa hao di tla sebetswa ho tloha ka letsatsi la bukana ena. leo o keneng ka lona.
Ho bohlokwa ho latela melawana ya Morero le ho se senye menyetla e ba le tokelo ya halofo ya ditsiane tse fanwang tlasa dikarolwana tse ding tsa morero, k.h.r Meriana ya Nako Yohle, ditsiane tsa Meriana ya Sekgahla. Haeba o se na bonnete ba ka moo sena se tla o ama, ka kopo ikopanye le setsi sa tshebeletso ya ditlelaente ho 0860 00 4367.
Bopaki ba boingodiso ba ho ba moithuti wa nako yohle setsing se tsejwang sa thuto e phahameng.
Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.
Bopaki ba kgolofalo bo tswang ho ngaka (Tlaleho ya tlhahlobo e lokelang ho tlatswa ke ngaka).
Afidavite e tswang ho setho sa sehlooho e netefatsang boitshetleho ba ditjhelete le hore ngwana eo ha a phele sebakeng sa mmuso.
Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.
Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwana ya tlisitsweng lenyalong.
Afidavite e tswang ho setho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa hodima setho.
Ngwana wa setho se ka sehloohong kapa monyalani le setho sa sehlooho o tlameha hore a ba a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwetsi kapa mokgwenyana.
Afidavite e tswang ho setho sa sehlooho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa hodima setho.
Batswadi ba lenyalong le maqheku a lenyalong ba ka ngodiswa haeba molekane ebile hape e le mojalefa ya ngodisitsweng.
Afidavite e hlapanyeditsweng (e tlameha ho tlatswa ke motswadi wa nnete, moo ho hlokehang) e netefatsang boitshetleho ba ditjhelete ba setloholo hodima setho sa sehlooho.
Haeba motswadi wa ngwana le yena a ngodisitswe e le mophedisuwa, afidavite e hlokeha feela bakeng sa setloholo kapa setloholwana.
Afidavite (e lokelang ho tlatswa ke setho) e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana wa habo setho hodima setho.
Ngwana wa habo setho sa sehlooho kapa monyalani le setho a ka ngodiswa e le mojalefa.
Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa bana ba habo monyalani jwalo ka baphedisuwa.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana/bana ba ngwana wa habo setho hodima setho. Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho le ngwana wa habo sona, moo ho hlokehang.
Bana ba ngwana wa habo setho kapa monyalani le setho a ka ngodiswa e le mojalefa.
Haeba motswadi wa ngwana le yena a ngodisitswe e le mophedisuwa, afidavite e hlokeha feela ho tswa ho setho sa sehlooho bakeng sa motjhana.
Na o ne o tseba?
Bothata bofe kapa bofe bo ka hlahang ka lebaka la maemo a behelets weng ka thoko Sehokelong.
Kalafo bakeng sa ho hloka pelehi ho fihlela boemo bo sa bolelwang ho latela meedi ya bonyane ba ditsiane bo behilweng.
Tshebetso ya thipa kapa kalafo e sa bontshwang ka bongaka.
Ditshebeletso tsa bophelo tse hlokehang nakong efe kapa efe ya ho ema e tlamang.
Tlhahlobo ya mmele ke ngaka e hlokwang ke bahiri.
oKalafo bakeng sa ditemalo ho sa natswe hore na lehlakoreng le leng le jara boikarabelo ba tefello (j.k. ditlaleho tsa temalo ya basebetsi ka nako ya tshebetso). Leha ho le jwalo, setho se na le tokelo ya ditsiane tse tl-waelehileng jwalo ka ha di ne di tla lefuwa mme se tlameha ho buseletsa Morero moo se fuweng matshediso o bakeng sa ditjeho tsa meriana.
Ho ntsha meno ka mabaka a seng a bongaka.
Ho kenya gauta menong le meno a maiketsetso.
Phano ya disebediswa tsa bongaka, tsa tshebetso ya thipa, kapa tse ding, ntle le moo ho hlalositsweng ka tsela e fapaneng.
Roaccutane le Retin A, kapa dikalafo dife kapa dife tse sweufatsang letlalo.
Meedi ya ditsiane tseo setho le baphedisuwa ba sona ba nang le tokelo ho tsona selemong sefe kapa sefe sa ditjhelete di behetswe moedi jwalo ka ha ho tekilwe tlhophisong ya ditsiane bakeng sa selemo seo.
Ntle le haeba ho qetilwe ka tsela e fapaneng ke Boto, ditsiane tse mabapi le meriana e fumanweng ka lengolo la ngaka di lekanyeditswe phepelo ya kgwedi e le nngwe bakeng sa lengolo leo la ngaka kapa ho phetwa ha lona.
Ke na le ditsiane dife tsa kalafo ya meno?
Maemong a tshohanyetso, o dumeletswe ketelo e le nngwe ngakeng ya meno e haufi le wena ka ho fetisisa haeba ngaka e letotong la bafani la GEMS e sa fumanehe (j.k. kamora dihora tsa tshebetso, bakeng sa boemo bo mahlonoko ho lekana hore o hloke kalafo ya hanghang kalafo ya meno). Ditsiane tsena di kenyeletsa ho ntshwa meno ha tshohanyetso, kalafo ya bohloko le ho petla feela.
Jwale haeba ke hloka kalafo ya bongaka ba meno e kgethehileng?
Ke meriana efe ya sekgahla eo nka e fumanang?
Meriana ya sekgahla e laetsweng ke ngaka ya hao ya meno e letotong la bafani la GEMS ha e a behelwa moedi mme e lefellwa ka botlalo haeba e le lenaneng la meriana e dumeletsweng ke GEMS (letoto la meriana).
Na nka etela setsebi sa mahlo (optometrist) sefe kapa sefe mme ditsiane ke dife?
O ka etela 'optometrist' efe kapa efe e Letotong la bafani la GEMS.
Na nka ya ka kotloloho ho ngaka e kgethehileng ntle le ho romelwa ke ngaka ya ka?
Meriana e arotswe ka mekgahlelo e meraro, e leng meriana ya Sekgahla, ya Nako yohle le e Iphumanelwang ka kotloloho.
Meriana ya Sekgahla: meriana e laetsweng ke ngaka bakeng sa bokudi kapa boemo ba nakwana; kapa ho kokobetsa matshwao a ho kula.
Na nka fumana meriana eo ke e batlang, mme nka e fumana hokae?
Ke meriana e dumeletsweng letotong la meriana feela (letoto la meriana la GEMS) e sa behelwang moedi mme e lefellwang ka ho phethahala bakeng sa theko e le nngwe ya ho ntshwa mmoho le tefiso e laotsweng ya profeshenale bakeng sa nehelano ya meriana. Haeba o batla moriana o siyo letotong la meriana e dumeletsweng, o tla lokela ho e lefella ka bowena. O ka fumana meriana ya sekgahla ho tswa ho ngaka e laelang meriana e teng letotong la dingaka tsa bafani la GEMS (ngaka e dumeletsweng ho fana ka meriana), kapa ho tswa khemiseng e Letotong la GEMS.
Ke lokela ho etsa eng ha ngaka e mpha taelo ya meriana mme ke le kgethong ya Beryl?
Meriana e iphumanelwang ka kotloloho: meriana eo o ka e fumanang khemiseng ntle le lengolo la ngaka: E tsejwa hape ka hore ke meriana e fanwang hodima khaontara (over-the-counter -OTC).
Tjhebo ya Ditsiane ka SMS e o dumella ho tseba hantle hore ke ditsiane dife tseo sa ntseng o na le tsona. Haeba o hloka ho etela ngaka kapa ho etswa tshebetso e itseng, o ka hlahloba ditsiane tse fumanehang ho wena ka ho romela SMS ho 33489 (SMS ka nngwe e lefiswa R1.50).
baoki boiphihlelo, ba ngodisitsweng.
O ka bua le basebetsi ba bophelo ba rupetsweng mabapi le ditaba tsa oakaretsang.
hore na ho ikalafa ho tla lekana, kapa haeba o tlameha ho etela ngaka kapa ho ya phapusing ya tshohanyetso sepetlele.
GEMS e fana ho ditho ka mananeo a qollehileng a tlhokomelo ho tshehetsa taolo ya mafu le bokudi bo fapafapaneng bo sa foleng.
Baoki ba Ngodisitsweng ba ka fana ka dikeletso le thuto ho ditho tse tsebahaditsweng bakeng sa mananeo a Tlhokomelo, le ho tshehetse ngaka kamano ya ngaka/mokudi. Ditho tse ngodisitsweng mananeong a di na le tlhahisoleseding e ntlafafetseng ho feta mabapi le bokudi ba bona, ba na le boitshepo, mme ba ka kgona ho laola bokudi ba bona. Sena se lebisa bophelong ba boleng bo botle.
Haeba o tsebahaditswe o tshwaneleha hore o ka kenela lenaneo, mooki wa taolo ya mafu o tla ikopanya le wena mme a o memele ho kenela lenaneo lena. Sena se tla etswa ka founu kapa ka imeile.
Lenaneo la meriana ya nako yohle Meriana ya nako yohle ke eng?
Meriana e theko e boima haholo ya nako e kgutshwane e tla thibela kalafo e nngwe e theko e boima, jwalo ka ho amohelwa sepetlele.
Setho ka seng sa lelapa la hao se hlokang meriana ya nako yohle se tlameha ho tlatsa foromo ya kopo e ka thoko. O tla hloka ho tlatsa forom ena hang feela bakeng sa setho ka seng sa lelapa.
Foromo e ka thoko e tlameha ho tlatswa bakeng sa setho ka seng sa lelapa la hao se hlokang meriana ya nako yohle. O tla hloka ho tlatsa forom ena hang feela bakeng sa setho ka seng sa lelapa.
Netefatsa hore foromo e tlatsitswe ka ho phetahala mme e saennwe ke wena le ngaka ya hao.
Romela foromo eo ka fekse le lengolo la ngaka la meriana ya phetapheto ho 0866 51 8009 bakeng sa tlhahlobo.
Haeba kopo ya hao e dumelwa, ka botlalo kapa e seng ka botlalo, o tla amohelaKareteyaPhihlellohoMeriana, ebolelangmerianaedumeletsweng bakeng sa tefello ho tswa ditsianeng tsa hao tsa meraina ya nako yohle.
Haeba meriana e dumeletsweng e fapane le meriana e kopilweng, ho tla hokelwa lengolo Kareteng ya hao ya Phihlello ho Meriana mme hape ho tla romelwa khopi ho ngaka e laetseng meriana eo.
Haeba kopo bakeng sa tumello ya moriana/meriana ya nako yohle e hannwe, wena le ngaka ya hao le tla amohela hape lengolo le hlalosang qeto ena.
Mangolo a meriana a tlameha ho ntjhafatswa dikgwedi tse ding le tse ding tse 6 mme a romelwe ka fekse ho 0866 51 8009.
Ke fumana meriana ya ka ya nako yohle e dumeletsweng jwang?
DSP e tla ikopanya le wena ho phethela letsatsi la thomelo ya meriana le aterese eo e tla romelwa ho yona. Hape ba tla netefatsa hore o fumana meriana ya nako yohle kgwedi e nngwe le e nngwe, mme o sa hloke ho ba hopotsa.
Haeba ho ba le phetoho merianeng ya hao, ka kopo fana ka tlhokomediso ya nako e lekaneng (beke e le nngwe kapa ho feta) pele ho thomello e latelang ya meriana ya hao.
GEMS e lefella meriana ya nako yohle e laetsweng ke ngaka ho latela letoto le hlophisitsweng la meriana. Letoto le hlophisitsweng la meriana ke letoto la meriana e baballang ditjeho le tataisang ngaka mabapi le kalafo ya bokudi ka ho fapafapana. Matoto a meriana a hlophisitsweng a hlahlojwa nako le nako le ho kgemiswa le dinako ke ditsebi tsa bongaka ho netefatsa hore a dumellana le melawana ya moraorao ya kalafo.
Hodima mona, ke mafu a ngotsweng Letotong la Meriana ya Nako Yohle (Chronic Disease List -CDL) feela e nang le tokelo ya ho fanwa jwalo ka meraina ya nako yohle. CDL ke letoto la meriana e qollehileng bakeng sa mafu a nako yohle le hlalosang ka bonyane ba maemo a kalafo a tlamang (sheba ka tlase mona).
Sheba tlhophiso e feletseng ya ditsiane leqepheng la 6 bakeng sa dintlha tse feletseng kapa letsetsa Morero ho 0860 00 4367.
Ke bokudi bofe bo kenyeleditsweng tlasa ditsiane tsa nako yohle?
GEMS e thontse mokgatlo wa Aid for AIDS (AfA) ho laola Lenaneo la Taolo ya Mafu la HIV/AIDS bakeng sa ditho tsa GEMS. Haeba e mong wa ditho tsa lelapa la hao a phela le HIV/AIDS, ho ngodisa Lenaneong la Taolo ya Mafu ho ka o fa tshehetso eo o e hlokang le ho phela bophelo bo botle mme o kgona ho phetha mesebetsi ya hao ka tshwanelo nako e telele.
Na tlhahisoleseding ya ka e tla bolokwa sephiring?
Lenaneo lena le tsamaiswa ke sehlopha sa baprofeshenale ba tlhokomelo ya bophelo mme le laolwa ka karohano ho tswa mananeong a mang a morero le mohiri. AfA e na le nomoro ya yona ya mohala ya sephiri, fekse le lebokose la poso la porafete. Haeba o na le HIV mme o etsa qeto ya ho kenela lenaneo lena, ho tla nkwa mehato yohle ya tlhokomelo ya ho tiisa sephiri sa hao.
Ke ditsiane dife tse fumanehang?
Ke feela dilense tse hlakileng, tsa polasetiki, tsa pono e ha nngwe le e habedi tse lefellwang. Ho na le kgetho ya diforeime tseo ditho di ka kgethang hara tsona. Haeba o batla foreime e theko e hodimo ho feta, o tla lokela ho lefella phapang e teng.
Haeba ke hloka ho fumana kalafo ya meno tlasa thobatso e akaretsang teng?
Ka kopo netefatsa hore o fumana tumello bakeng sa ho amohelwa sepetlele nako ya bonyane dihora tse 48 pele ho kalafo, ntle le haeba e le maemong a tshohanyetso.
Jwalo ka setho sa moimana sa GEMS, o na le phihlello ho Lenaneo la ho Pepa la GEMS. Lenaneo lena le radilwe ka ho kgetheha hore le o fe tshehetso, thuto le dikeletso mekgahlelong yohle ya boimana ba hao, ho pepa le nako ya botswetse (kamora ho pepa).
Lenaneo la ho pepa le eteletswe pele ke baoki ba nang le boiphihlelo, ba ngodisitsweng mme ba nang le thupelo ya tlatsetso ya bopepisi. Batsamaisi bana ba ditaba ba tla o thusa ka ngodiso Lenaneong la ho pepa mme ho ka ikopanngwa le bona bakeng sa tlhahisoleseding.
Re kgothaletsa hore o sebedise tlhapiso ena e ntle nakong ena e kgethehileng. Motsamaisi wa taba o tla tswella ho ikopanya le wena kamora hore o amohelwe sepetlele leka mora hore lesea la hao le hlahe ho o fa dikeletso tse tswellang le tlhahisoleseding e mabapi le ho ba motswadi e motjha. Lenaneo la ho Pepa le eteletswe pele ke baoki ba nang le boiphihlelo, ba ngodisitsweng mme ba nang le thupelo ya tlatsetso ya bopepisi. Batsamaisi ba ditaba ba tla o thusa ka ngodiso bakeng sa Lenaneo la ho Pepa mme o ka ikopanya le bona bakeng sa keletso mme ba tla tswella ho ikopanya le wena kamora hore o amohelwe sepetlele le ho hlaha ha lesea la hao.
O tla amohela buka ya GEMS ya boimana, ho pepa le ho ba motswadi e motjha ha o ngodisa Lenaneong lena.
Mokotla wa ho pepa o tla romelwa ho wena nakong ya dikgwedi tse tharo tsa qetello tsa boimana ba hao.
Phihlello ya mahala ditshebeletsong tsohle tse fanwang ke Lenaneo.
Tlhahisoleseding e tla kgonahatsa hore o utlwisise ditsiane tse fanwang ke GEMS nakong ya boimana ba hao le kamora ho hlaha ha ngwana wa hao.
O amohela Morero wa Tlhokomelo ho tataisa ngaka ya hao kalafong e lokelang e hlokehang bakeng sa nako ya boimana ba hao.
Keletso e mabapi le ditsiane tse tla lefellwa ke GEMS nakong ya ho kena tlung ha hao le dikgetho tse ding tse fanwang.
Phihlello ho tlhokomelo ya bophelo e tla kgonahatsa hore o nke karolo le mopepisi kapa ngaka ya hao ho etseng diqeto tse mabapi le bophelo ba hao le dikgetho tsa hao tsa ho pepa.
Phano ya tumello ya kamohelo ya hao sepetlele/setsing sa ho pepa sa kgetho ya hao.
Dikeletso le tshehetso tse fanwang ka mohala haeba o ba le mathata nakong ya dibeke tse mmalwa tsa pele o le motswadi e motjha.
Taolo ya sepetlele e netefatsa hore o amohela tlhokomelo e lokelang, ya boleng ha o ntse o le sepetlele. Tshebetso ya tumello ya sethathong e netefatsa tlhokeho le tshwaneleho ya bongaka tsa tharollo e rerilweng pele o amohelwa sepetlele.
Qala pele ka ho fumana tumello ya sethathong (pre-authorisation)!
Ke lokela ho etsa kopo ya PAR neng?
Haeba o rerile ho etela kapa ho amohelwa sepetlele (mokudi ya kantle kapa ya kahare) kapa o ya ho fumana sekene, ka kopo re tsebise bonyane dihora tse 48 pele o ya sepetlele.
Haeba o hloka ho fumana kalafo ya tsohanyetso kapa ho amohelwa sepetlele nakong ya mafelo a beke, letsatsi la phomolo kapa bosiu, wena kapa setho sa lelapa lahaosetlamehaholetsahosengha letsatsilapelelatshebetso lelatelang ketsahalo ena.
Haeba o hloleha ho etsa kopo ya pele bakeng sa ketsahalo e rerilweng kapa tumello letsatsing la pele le latelang boemo ba tshohanyetso o tla lefiswa kotlo ya R1 000. Haeba boemo ba tshohanyetso ba hao bo le nakong ya kamora dihora tsa tshebetso, o tlameha ho fumana nomoro letsatsing la pele le latelang ketsahalo eo.
Tshebeletso ya ho iketsetsa e a fumaneha ho ditho kamora dihora tsa tshebetso tsa tlwaelo. Bakeng sa dikopo tsa tumello ya sethathong, tshebetso ya tlwaelo e tla latelwa ho fihlela phetisetsong ho moemedi.
Ho fapana le ho fetiswa, moletsi o tla kotjwa nomoro ya ho letsetswa (e tla bolokwa khomphuteng) le lebitso la hae (le tla rekotwa).
Molaetsa o bontshang hore moletsi o tla letsetswa letsatsing le latelang la tshebetso o tla bapalwa mme mohala o tla kgaolwa.
Na o mofani wa tshebeletso?
Khoutu ya tshebetso ya setsi Khoutu ya tshebetso ya setsi, j.k.
Khoutu ya tshebetso ya mofani ya alafang Khoutu ya tshebetso ya mofani, j.k.
Ke tlhahisoleseding efe eo ke tlamehang ho ba le yona ha ke etsa kopo ya PAR?
Lebitso le letsatsi la tswalo tsa mokudi.
o tlhahlobo e entsweng ya bongaka; le o mokgwatshebetso o rerilweng bakeng sa kalafo, mmoho le dikhoutu tsa tefiso tseo ngaka a ikemiseditseng ho di sebedisa.
Ke feela mekgwatshebetso e boletsweng tlasa latela melawana ya morero e tla lefellwa.
Hopola ho bala ngollano e netefatsang PAR mmoho le boitokollo ba boikarabello tse ngotsweng ho yona.
Haeba ngaka ya hao kapa sepetlele se fumane tumello ya sethathong bakeng sa hao, ba tla amohela tsebiso ya semmuso ya Morero ka mohala, imeile, fekse, poso kapa SMS. Le wena o tla amohela tsebiso e tshwanang. Ho bohlokwa haholo hore o badisise dipehelo le ditlhoko ka hloko.
Boemong ba tshohanyetso etela dipetlele tsa Bafani ba Tshebeletso tse Kgethilweng tsa Morero, haeba e le Bonyane ba Ditsiane bo Thehilweng, Morero o tla lefa 100% ya tjeho ya kalafo. Leha ho le jwalo, haeba o etsa qeto ya ho se ye ho Mofani wa Tshebeletso ya Kgethilweng, ho tla ba le tefo e etswang mmoho ke wena.
Ka ho boloka dintlha tsa hao tsa boikopanyo di kgema le dinako (dinomoro tsa selefounu, diaterese tsa poso le imeile) - o tla dula o behilwe leseding mabapi le tlhahisoleseding e itseng ya bohlokwa -k.h.r. nomoro ya tumello le bakeng sa diaterese tsa imeile le poso - boitokollo bo feletseng ba boikarabello mabapi le ditsiane tumellong ka nngwe.
Ho busetswa kahara naha ha mokudi moo kalafo ya bongaka e hlokehang.
Ho daela nomoro ya 0800 44 4367 ho ikopanya le Bafani ba Ditshebeletso tsa tshohanyetso ba GEMS, Netcare 911.
Fana ka lebitso la hao le nomoro ya mohala eo o letsang ka yona.
Fana ka tlhaloso e kgutshwane ya se etsahetseng le hore na boemo ba hao bo mahlonoko hakae.
Fana ka aterese kapa sebaka seo ketsahalo e hlahileng ho sona ho thusa basebetsi ba ambulanse ho fihla teng.
Se ke wa beha mohala fatshe ho fihlela motho eo o buwang le yena a o kgaola.
Ka kopo netefatsa hore baphedisuwa ba hao bohle ba ngodisitsweng ba tseba ka tshebeletso ena.
Tsebisa sekolo sa ngwana wa hao hore ke setho sa GEMS. Etsa bonnete ba hore ngwana wa hao le sekolo ba tseba nomoro ya tshohanyetso ya tshebeletso ya bongaka. Haeba ho ka hlaha boemo ba tshohanyetso letsetsa nomoro ya 0800 44 4367.
Ditho di tlameha ho letsetsa nomoro ya 0800 44 4367 maemong ohle a tshohayetso. Maemong ao setho se thothilweng ke mofani wa tshebeletso o sele e se ka boithaopo (ntle le Netcare 911), setho se tlameha ho netefatsa hore mofani wa tshebeletso o nehelana ka invoese ho Netcare 911 nakong ya matsatsi a 10 kamora letsatsi la tshebeletso ho netefatsa hore tefo ya akhaonto ena e a etswa.
O tlameha ho tsebisa sepetlele seo o amohetsweng ho sona hore o setho sa GEMS mme diphetisetso dife kapa dife sepetlele di tlameha ho fuwa tumello ka ho letsetsa Netcare 911.
Mohato wa pele ke ho nefefatsa hore tleleime ya hao e sebeditswe le ho lefuwa ka katleho ke ho utlwisisa tshebetso ya tefo ya ditleleime.
Ke mang ya ka romelang ditleleime?
Ditleleime di ka romelwa ke setho (wena) kapa mofani wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo (ngaka ya hao).
Lefapha la Ditleleime le amohela, lekanya le ho dumella tefo ya ditleleime tse nepahetseng ho latela melawana ya Morero le ditsiane tse fumanehang.
Sena se bolela hore ditleleime tsa meriana di ka romelwa ka tsela ya elektroniki e nkang metsotswana feela ke rakhemise wa hao sebakeng seo e rekilweng ho sona haeba melawana yohle e phethahaditswe pele ho theko. Sena se bolela hore o tla tseba boemo ba ditsiane tsa hao hanghang mme o kgone ho fumana meriana ya hao ntle le hore motho e mong a kope hore o e lefelle kontane.
Ditleleime di lefuwa neng?
Ho bohlokwa hore Morero o amohele tlhahisoleseding ya botho e kgemang le dinako hore e sebetse ditleleime tsa hao. Re hloka tlhahisoleseding ena hore re etse bonnete ba hore re lefa ditleleime ka nepo le hore direkoto tsa ditho tsa rona di dula di phethahetse kamehla mme di kgema le dinako. Hape ho bohlokwa hore ditho di fane ka dintlha tsa boitsebiso ba baphedisuwa ba tsona ho Morero. Ha o romela ditleleime tsa baphedisuwa, netefatsa hore di ngodisitswe mme dintlhatse mabapi le tsona di hlahella foromong ya tleleime. Morero hape o hloka khopi ya di/setifikeiti tsa tswalo kapa ditokomane tsa boitsebiso (ID) tsa baphedisuwa ho netefatsa hore dipremiamo di lefuwe ka botlalo.
Ho fumana tumello ya sethathong, letsetsa GEMS ho 0860 00 4367 pele kalafo e amohelwa kapa kapa ho lokisa tumello e ya pele.
Haeba setho kapa mophedisiwa a hloleha ho bona ngaka ka letsatsi le behilweng, ditleleime tsa ngaka eo bakeng sa ketelo eo di ke ke tsa lefuwa.
Ditleleime bakeng sa ditshebeletso tse fanweng ke mofani wa tlhokomelo ya bophelo ya sa ngodiswang ho latela molao o amehang di ke ke tsa lefuwa. Netefatsa hore ditleleime tsa hao di phethahatsa ditlhoko tse lokelang pele di romelwa ho Morero.
Ikopanye le GEMS nomorong ya 0860 00 4367 haeba o se na bonnete ba hore tleleime e hannwe kapa tjhe.
Ke tlhahisoleseding efe eo tlamehang ho fanwa ditleleimeng tsa ka?
Ditho tsa GEMS di amohela SMS ya temoso ya ditleleime hang ha GEMS e sebedise ditleleime tsa bona. Haeba o sa amohele SMS ya temoso ya ditleleime, ka kopo letsetsa ho 0860 00 4367 ho kenya tshebetsong tshebeletso ena.
Na ho sebetswa ho bolela hore tleleime e lefilwe?
Haeba o amohela SMS e bolelang hore tleleime ya hao e sebeditswe, sena se bolela hore e amohetswe le ho kenngwa sistiming ya tsamaiso ya ditleleime.
E sebeditswe ('Processed')ha e bolele hore tleleime ya hao e lefilwe.
O ka fumana hore na tleleime ya hao e lefilwe ka botlalo, kapa haeba ho lefilwe karolo ya yona feela kapa haeba e hannwe ka ho sheba setatemente sa hao sa ditleleime. Setatemente sa hao sa ditleleime se romelwa ka poso kapa ka imeile ho wena dibeke tse ding le tse ding tse pedi, k.h.r haeba o rometse tleleime. Hape o ka fihlella tlhahisoleseding e mabapi le ditleleime tsohle ka ho sebedisa tshebeletso ya "Ditho ya inthanete" ('Member online') webosaeteng ho www.gems.gov.za.
Ditleleime: Re hloka ho o buseletsa tjhelete efe?
Ho sirletsa bobedi wena le Morero wa hao, ditefo tse etswang ho ditho di tla etswa ka tsela ya elektroniki. Ka hona, o hloka ho netefatsa hore Morero o na le dintlha tse nepahetseng tsa hao tsa banka.
O ka fetola kgetho ya ditsiane tsa hao ha nngwe feela ka selemo. Botho ba kgetho e ntjha ya hao bo tla qala ka la 1 Pherekgong selemo le selemo, haeba o kgethile ho fetola kgetho ya hao selemong se fetileng. Ka Pudungwana selemo se seng le se seng, GEMS e tla o romela tlhahisoleseding e mabapi le ditsiane tse ntjha mmoho le foromo ya ketso ya kgetho bakeng sa selemo se latelang.
Ha o hloke ho tlatsa foromo ya ketso ya kgetho haeba o kgetha ho dula o le kgethong eo o leng ho yona. Leha ho le jwalo, haeba dintlha tsa hao tsa boikopanyo di fetohile, foromo ya ketso ya kgetho e molemo hape jwalo ka tsela ya ho netefatsa hore re nale dintlha tsa moraorao tsa hao tsa boikopanyo. Dikopo dife kapa dife tse ding tsa phetolo ya kgetho nakong ya hara selemo sa ditsiane e tlameha ho romelwa ho Boto ya Batshwaredi (Board of Trustees) bakeng sa tumello.
Jwalo ka kamehla, GEMS e tsitlallela ho o tlisetsa ditsiane tse ntle ka ho fetisisa tse ka kgonehang tsa bophelo bo botle tse loketseng pokotho ya hao. Ho o fa dikgetho tse eketsehileng ke sohle seo boikitlaetso ba rona bo lena mabapi le sona. Ho nale kgetho ya ditsiane e loketseng ka ho phethahala ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo tsa lelapa la hao le pokotho ya hao!
Setatemente sa ditlatsetso se fanwa ho setho ka seng kgwedi le kgwedi le dikgweding tse ding letse ding tse tharo mme se akaretsa ditefello tsa ditlatsetso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi le ditefello tse saletseng morao. Setatemente sena se o thusa ho netefatsa hore kamehla ditlatsetso tsa hao di dula di kgema le dinako.
Ho laola ditlatsetso tse saletseng morao hona?
Kgulo ya tjhelete ya thuso ya bongaka ha e a etswa moputsong wa hao.
Keketseho moputsong wa hao e lefilwe ho kgutlela morao mme keketso ena e o fetiseditse mokgahlelong o hodimo wa ditlaetsetso.
O ekeditse mophedisuwa mme phetoho ena ha e a kenngwa tshebetsong ka nako.
O tsamaile ho ya sebetsa lefapheng le leng le esong ho ka le kenya tshebetsong kgulo ya tjhelete ya thuso ya bongaka.
Konteraka ya hao e feletswe ke nako mme konteraka ya hao e ntjha ha e eso kenngwe sistiming.
GEMS e tla o romela lengolo le tiisang tjhelete ya ditlatsetso tsa hao tsa morero wa thuso ya bongaka tse saletseng morao. Hape o tla amohela setatemente sa ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi haeba akhaonto ya hao e saletse morao.
Dikhoutu tse fapaneng tsa moputso di a sebediswa bakeng sa dikgulo tsa tsa Morero wa thuso ya bongaka.
Kgutlo ya Morero wa Thuso ya Bongaka ya Tlwaelo. Tjhelete ena ke yona tlatsetso ya kgwedi le kgwedi.
Kgulo ya tefello e saletseng morao e kenngwang tshebetsong ke GEMS: Tjhelete ena ke ya ditjeho tse saletseng morao tsa thuso ya bongaka tse entsweng nakong ya dikgwedi tse 3. 'Persal' e sebetsa ka ho iketsa tjhelete eo mosebetsi a ka kgonang ho e lefa mme e tla hula tjhelete e saletseng morao kaofela ka nako e le nngwe kapa e arohanye kgulo ya tjhelete ena e saletseng morao nakong ya dikgwedi tse mmalwa.
Kenyo-tshebetsong ya Kgulo ya Tefello e Saletseng Morao e Kopanngwang ke Mosebeletsi wa Tshwaro ya Basebetsi (HR): Tjhelete ena ke ya ditefello dife kapa dife tse saletseng morao tse sa kgonang ho kenngwa tshebetsong ka ho iketsa ke Persal (ho feta dikgwedi tse 3) mme e kenngwa tshebetsong kamora ho sebetswa ke Mosebeletsi wa lefapha la hao la Tshwaro ya Basebetsi (HR).
Ho etsahala eng ka Letsatsi la Tlhahlobo ya ho Phela Hantle?
Baprofeshenale ba tlhokomelo ya bophelo ba fumaneha hore ba tshohle le wena histori ya hao ya tsa bophelo bo botle le ho etsa diteko tsa tlhahlobo ya bongaka. Diphetho tsa difeko tsena di tla tshohlwa le wena o le mong mme o tla fumantshwa dikeletso mabapi le mehato e latelang e ka lokelang ho nkuwa.
E le tlatseletso hodima sena, tshidilo ya hlooho le molala di tla fanwa.
Ke diteko dife tsa ho phela hantle tse tla etswa?
O tla lokela ho tlatsa letoto la dipotso tse bonolo tse mabapi le histori ya hao ya bophelo bo botle, e tla fa baprofeshenale ba tlhokomelo ya bophelo tjhebo e itseng mabapi le profaele ya hao ya mathata a ka bang teng a bophelo ho wena pele diteko di etswa.
Modikoloho wa letheka la hao.
Hape ho tla fanwa ka dibukana tsa tlhahisoleseding tse hodima dihlooho tse jwalo ka ho tsuba, boikwetliso le taolo ya boima ba mmele.
Tlhahisoleseding yohle le diphetho tsa diteko ke tsa sephiri mme di ke ke tsa fanwa ho Lefapha lefe kapa lefe la Mmuso kapa baofisiri ba lona.
Haeba kopo e ikamahanya le maemo a rona a tlwaelo a tshebetso ya diteko tsa tlhahlobo ya ho phela hantle, e tla tiiswa ke GEMS nakong ya dihora tse 24 mme re lebella ka thahasello letsatsi leo la monyaka mmoho le wena.
Tshebeletso e tswileng matsoho le kgotsofalo ya setho di bohlokwa ho rona! Re batla ho netefatsa hore tshebeletso eo o e fumanang ho rona ke e tswileng matsoho ka dinako tsohle. Re etsa sena ka ditsela tse fapaneng - diofising tsa rona tsa tikoloho ho na le karete ya ho fana ka dintlha bakeng sa tshebeletso e fanwang ke deske ya thuso mme e ka tlatswa ke ditho, le tshebeletso ya ho iketsetsa le yona e ka sebediswa ka ho letsetsa nomorong ya 0860 00 4367. GEMS e etsa matsholo a dipotso nako le nako mabapi le ditshebeletso tse qollehileng le maiteko ho re thusa boikitlaetsong ba rona ba ho fana ka tshebeletso e tswileng matsoho.
Letsholo la Dipotso tsa Kgotsofalo le inthaneteng le tla re thusa ho tswelapele ho ntlafatsa phano ya tshebeletso ya rona ho wena. Tsona di fumaneha karolong ya Tshebeletso ya Ditho ya Inthanete (Member Online) webosateng ya rona.
O tla bona lebokose la "Online Solutions" moo o hlokang ho kena (login) teng jwalo ka setho ho fihlella letsholo la dipotso karolong ya Tshebeletso ya Ditho ya Inthanete (Member Online). Haeba o eso fumane PIN, o tla ngodisa hore o e fumane pele o ka fihlella letsholo la dipotso. O ka etsa sena inthaneteng. Ho ngodisa bakeng sa PIN ho tla o fa phihlello tshebetsong ya Tshebeletso ya Ditho ya Inthanete (Member Online), moo o ka hlahlobang ditleleime le ditsiane tsa hao.
O tla fumana letsholo la dipotso ho menu e leqeleng, tlasa Ditjeho tsa Tlhokomelo ya Bophelo (Healthcare Expenditure). Tobetsa feela sebakeng seo o batlang ho se lekanya mme letoto la dipotso le lokelang le tla hlahella.
Hang ha o phethile dipotso tsena, tobetsa ho romela (submit) mme karabelo ya hao e tla romelwa ka kotloloho ho GEMS. Karabelo ya hao e bohlokwa ho rona ho re thusa ho tswela pele ho ntlafatsa tshebeletso ya rona.
Tshebetso ya ho tsebisa GEMS mabapi le mokgwatshebetso o rerilweng pele ho ketsahalo, e le hore tumello e fanwe.
Tsena ke ditsiane tsa motheo tse tla fanwa bakeng sa bokudi bo itseng, j.k. Letshwea, Kgatello e phahameng ya madi, jj. tseo ka molao di tlameha ho fanwa ke merero yohle ya thuso ya bongaka e ngodisitsweng.
Sena ke setho se seholo se ngodisitsweng ke Morero.
Motho kapa batho ba itshetlehileng hodima setho sa sehlooho mme ba ngodisitswe ke Morero ho arolelana ditsiane tse fanwang ho setho sa sehlooho.
Morero wa thuso ya bongaka oo e leng basebetsi ba mokgatlo o itseng feela bao e ka bang ditho tsa wona.
Tefiso e rerisanweng dipakeng tsa Morero le bafani ba tshebeletso mabapi le tefo bakeng sa ditshebeletso tse fanweng ke bafani ba tshebeletso ho ditho tsa Morero.
Moedi wa karolelano ke eng?
Moedi wa karolelano ke tjhelete ya ditsiane e sebetsang bakeng sa mekgahlelo ya ditsiane e mmedi kapa ho feta. Mohlala o motle ke ditsiane tsa Radioloji e Hatetseng Pele e nang le moedi wa yona wa kahare ho sepetlele le kantle ho sepetlele. Sena se bolela hore haeba o o sebedisa ditsiane tse feletseng bakeng sa ditefello tsa kantle ho sepetlele, ditsiane tsa kahare ho sepetlele bakeng sa mokgahlelo ona wa ditsiane le tsona di tla fela.
Ena ke theko ya motheo e behilweng ka molao e lefiswang ke rakhemise bakeng sa meriana e laetsweng ke ngaka.
Dingaka tse kgethehileng (specialist) Dingaka tse sebetsang ka ho kgetheha lekaleng le itseng la bongaka, jwalo ka kalafo ya kankere, bongaka ba bana, bongaka ba basadi.
Batho ba batlang ho ba ditho a.
Kapa letsetsa Setsi sa Mehala nomorong ya 0860 00 4367 ho bua le mosebeletsi mabapi le GEMS.
<fn>(415201023547 PM) Revised Application Form_Sesotho.txt</fn>
Bala tataiso ya ho etsa kopo ka hloko, kaha e tshwere tlhahisoleseding ya bohlokwa e tla o thusa ho tlatsa foromo ya kopo ka nepo.
T latsa foromo ya kopo e leqepheng le latelang mme o netefatse hore o kenyeleditse ditokomane tsohle tse lokelang le tshaeno ya hao moo e hlokehang.
Ditsi tsa tikoloho tse ka etelwang: Sheba tataiso ya ho etsa kopo bakeng sa dintlha tse feletseng.
Haeba kopo ya hao e atlehile, GEMS e tla o romela pakana ya kamohelo ka poso nakong ya matsatsi a 7 kamora hore e amohele kopo ya hao.
Kopo ya hao e tla diehiswa haeba o sa fane ka ditokomane tsohle tse hlokehang ho GEMS.
Haeba kopo ya hao e sa kgona ho sebetswa, GEMS e tla ikopanya le wena nakong ya matsatsi a 5 kamora hore e amohele kopo ya hao.
Ka kopo ikopanye le setsi sa mehala nomorong ya 0860 00 4367 kapa ka imeile ho enquiries@gems.gov.za haeba o hloka thuso efe kapa efe e nngwe mabapi le ho tlatsa foromo ya hao ya kopo.
Netefatsa hore o fana ka ditokomane tsohle tsa tlatsetso tse hlokehang.
Ka kopo sheba Karolo ya B ya tataiso ya kopo e le ho netefatsa hore batho bao o ba hlahisang e le baphedisuwa ba hao ba na le tokelo e jwalo. Re ke ke ra sebetsa foromo ya hao haeba ID ya hao e sa fanwa. Ka hona ho a tlama hore o tlatse karolo ena ka botlalo.
Ka kopo etsa kgetho E LE NNGWE FEELA YA DIHLAPISO lenaneng le ka tlase mona ebe o tshwaya boloko bo lokelang ka X.
Dipusetso tsohle tsa tjhelete ya tleleime ka sekgahla sa Sekema le ho latela melawana ya Sekema.
Bakopi ba hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa motheo wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi o esong ho hulwe ditjeho. Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Bakopi ba mapenshenara: Ka kopo bontsha penshene ya hao ya kgwedi le kgwedi.
Haeba o re ee, na o setho se ka sehloohong kapa o mophedisuwa?
Haeba o le setho/mophedisuwa wa sekema se sele sa bongaka, ka kopo hokela setifikeiti sa hao sa botho ho tswa sekemeng sa bongaka sa pele sa hao se netefatsang letsatsi la qetelo (dikarete tsa botho di le ding feela ha di a lekana). O tlameha ho netefatsa hore botho ba hao sekemeng sa bongaka sa hao sa nako e fetileng bo hlakotswe pele o fumana tshireletso ya GEMS.
Ditlatsetso tsa setho se sebetsang di hulwa ka tsela e iketsang meputsong ya tsona moo ho hlokehang.
Haeba o kgetha ho lefa ka tsela ya debite otara ha o hloke ho tlatsa Dintlha tsa Banka tsa Setho ka tlase mona (Karolo ya H).
Dintlha tsa akhaonto ya banka: Di hlokeha bakeng sa ho kgutliswa ha tjhelete ya setho ka kotloloho, le ho kgutliswa ka kotloloho ha tjhelete e kolotwang ke nna Sekemeng. Re ke ke ra sebetsa dipuseletso dife kapa dife tsa tjhelete tseo o di lebeletseng haeba o sa fana ka dinltha tsa hao tsa banka rekotong.
Tlhahisoleseding efe kapa efe ho ba taolo ya tlhokomelo ya bongaka, boemong bofe kapa bofe bo sa hlahiseng lebitso, e hlokehang ka mabaka a tsamaiso le dipalopalo, haeba tlhahisoleseding e jwalo e tla tshwarwa ka sephiri ka dinako tsohle.
Ho bohlokwa ho fana ka tumelo ho GEMS le/kapa baemedi ba yona hore e rerisane le di/ngaka tsa hao, sepetlele kapa mofani ofe kapa ofe wa tlhokomelo ya bongaka ho netefatsa hore o fumana tlhokomelo ya bongaka e lokileng ka ho phethahala.
Dikateng tsa foromo ena ke nnete, di nepahetse mme di phethahetse. Haeba ho ka ba le ho se hlahiswe hofe kapa hofe ha tlhahisoleseding kapa ho hlahisa taba e siyo jwalo ka ha eka ke nnete, ke utlwisisa hore botho ba ka bo ka fediswa mme nka kotjwa ho buseletsa Sekema, tjhelete efe kapa efe eo, haeba ke ne ke sa sebedisa dihlapiso kapa melemo efe kapa efe ya Sekema, e ka beng e sa sebediswa lebitsong la ka, ho ipapisitswe le melawana ya boipiletso.
Ke entse kgetho ya ka mme ke ikgodisitse mabapi le sebopeho sa dihlapiso tse tlasa kgetho ena.
Ke dumela ho ithuta ka botlalo melawana ya Sekema sena.
Majalefa a ka, ntle le molekane/monyalani wa ka, ba itshetlehile ho nna ka ho phethahala kapa ka tsela e itseng le ho fihlela boemo boo ka bona ba sa amoheleng moputso wa selemo le selemo o kahodimo ho moedi wa penshene o sebetsang kapa ba sa hirwa ka nako yohle ka letsatsi la ho saenwa ha foromo ena.
Ke a tseba hore GEMS e ka beha dinako tse akaretsang tsa ho ema le/kapa dinako tsa ho ema tse nang le dipehelo, jwalo ka ha Molao wa Dikema tsa Bongaka (131 wa 1998) o bolela.
Ke utlwisisa hore dintlha tse mabapi le nna le tlhahisoleseding ya bongaka e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bongaka ka tumelo ya ka e hlakileng e tla bolokwa sephiring.
Ke hlokometse hore tlhahisoleseding ya sephiring ya ka le baphedisuwa ba ka e ka sebedisetswa merero ya risetjhe, data ya dipalopalo, tlhokomelo e laolwang le ditlaleho mme ketso efe kapa efe e sa ikamahanyeng le sena e tla ba tshenyo ya sephiri.
Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore GEMS e batle ho sebedisa tlhahisoleseding ya ka kapa ya baphedisuwa ba ka ya sephiring bakeng sa merero e meng ntle le e fanweng boikanong bona, GEMS e hlokwa ho fumana tumelo e nngwe ho nna le baphedisuwa ba ka.
Ke utlwisdisa hore tlhahisoleseding ya ka bo-nna le e mabapi le bophelo bo botle ba ka di ke ke tsasebedisetswa mabaka a mang a kgwebo a nang le kamano kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
Ke utlwisisa hore GEMS e fane ka phihlello ho batho ba itseng kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona tlhahisoleseding ya setho bosona le tlhahisoleseding ya bongaka ya bona.
Ke utlwisisa hore GEMS le batho ba kathoko ba sebetsang le yona ba tla sebedisa mokgwatshebetso wa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo bo botle/tlhahlobo ya bongaka bakeng sa merero e latelang - ho sebetsana le foromo ya kopo ya botho, puseletso ya tjhelete ya ditleleime, ho fumana tokelo ya ditho mabapi le ho fumana dihlapiso le tshebetso ya taolo ya mathata.
Ke utlwisisa hore GEMS e kene ditumellanong tsa sephiri le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang lephihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa (beneficiaries) a sekema bakeng sa merero ya phetiso le taolo yadata, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
Ke utlwisisa hore GEMS e tla netefatsa hore mehato e lekaneng ya tshireletso ya data e madulong.
Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, GEMS e jara boikarabello ba sena mme ho senngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa GEMS.
Ke ikana hore nna le mo/baphedisuwa ba ka re tla ikamahanya le melawana le diprothokole tsa GEMS.
Ke dumela mona ka tsela e sa tlo hlakolwa hore GEMS e kenye tshebetsong tefello ya ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi hanghang ho tloha ka letsatsi leo ke keneng ka lona.
Mona ke fana ka tumello ka tsela e ke keng ya hlakolwa hore mohiri wa ka/GEMS a hule moputsong/ akhaontong ya banka ya ka tjhelete efe kapa efe eo ka molao ke e kolotang GEMS le ho lefa ho GEMS kapa baemedi ba yona ditjhelete tsena tse hutsweng.
Ke ananela hore ke hlokometse hore GEMS e ka etsa pokeletso ya dikoloto, jwalo ka ha melawana ya Sekema e hlalolosa, kgahlanong le nna haeba ke salla morao ka tefo ya ditlatsetso kapa ditjhelete dife kapa dife tse kolotwang GEMS.
Nna kapa baphedisuwa bafe kapa bafe ba ka ha re majalefa a sekema se seng hape sa bongaka se ngodisitsweng.
Ke tla tsebisa Sekema ka diphetoho dife kapa dife boemong ba mophedisuwa wa ka kapa boemo ba ka bo-nna, jwalo ka ha ho hlokeha tlasa melawana ya Sekema, nakong ya matsatsi a 30 kamora ho fetoha ha maemo.
Ke tla tsebisa GEMS bonyane dihora tse 48 pele ho kamohelo e seng ya tshohanyetso sepetlele. Ke ananela hore ho hloleha ha ka ho ka baka hore karolo ya tefo e etswe ke nna.
Ke ananela hore Sekema/baemedi ba sona ba tla lefa feela ditleleime tseo ba nkang di nepahetse mme di ikamahanya le melawana.
Melawana e tla dula ka nako yohle e sebetsa mme ke amohela hore mangolo, masedinyana le dibukana ha di na ho nka sebaka sa melawana ya sekema.
Ke dumela hore dipuisano dipakeng tsa ka le Sekema kapa mahlakore a keneng konterakeng le sona di karekotwa.
Dintlha tse mabapi le tlhahisoleseding ya bongaka ya setho (e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bophelo ka tumelo e hlakileng ya setho) di tla bolokwa sephiring.
Tlhahisoleseding ya ditho (ya bobona kapa bophelo ba bona) e keke ya sebedisetswa merero ya kgwebo ya khampani kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
Ho na le mehato ya tshireletso e behilweng madulong.
Phihlello e fanwa ho batho ba kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona, molemong wa tlhahisoleseding ya majalefa le bophelo ba bona.
Sekema le batho ba kathoko ho sona ba nang le konteraka le sona ba tla sebedisa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo/tlhahlobo ya bophelo/mekgwatshebetso e fanweng bakeng sa merero e latelang: ho sebetsana le kopo ya botho, puseletso ya ditleleime, ho fumana tokelo ya setho hodima dihlapiso le taolo ya tshebetso ya menyetla ya kotsi.
Basebetsi bohle kahara Sekema le batho ba kathoko bao e sebetsang le bona ka konteraka ba tlangwa ke ditumellano tsa kahare tsa sephiri.
Sekema se netefaditse hore ditumellano tsa sephiri di fihletswe le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa bakeng sa merero ya phetiso le taolo ya data, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
Haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, Sekema se jara boikarabello ba sena mme hosenngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa Sekema.
Ka kopo letsetsa ho 0860 00 4367 haeba o sa amohela netefatso ya botho ba hao ho GEMS nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso.
Ka kopo se ke wa kgutlisa bukana ena ya tataiso mmoho le foromo ya hao ya kopo e tlatsitsweng.
Khopi ya ID ya setho se ka sehloohong.
Foromo ya M2 e tlamehang ho romelwa le foromo ya kopo ha o hloka ho fetola dintlha tsa hao tsa sekema sa bongaka le ho tswela pele ho amohela sabsidi e tshwanang.
Diforomo tsa Z583 haeba o beha meja fatshe mme o etsa kopo ya ho tswela pele ho ba setho kapa haeba o le mophedisuwa ya hlokang ho tswela pele ho ba setho kamora lefu la Setho sa Sehlooho.
Lengolo la netefatso ya tshehetso ya tjhelete (sabsidi) le tswang ofising ya Matlotlo a Naha (National Treasury), haeba le fumaneha.
Setifikeiti sa botho se tswang sekemeng sa pele sa bongaka se nang le letsatsi la qetelo.
Tshaeno ya hao moo ho hlokehang (Dikarolo tsa H, I le J).
O tlamellwa hore o tlatse tlhahisoleseding yohle Karolong ya A, moo ho hlokehang.
Nomoro ya hao ya Persal e fumaneha setlankaneng sa hao sa moputso. Mapenshenara: Ka kopo ela hloko hore nomoro ya hao ya Penshene e hlahella mangolong a hao kapaSetifikeiting sa Penshene se tswang Ofising ya Matlotlo a Naha.
Ka kopo bontsha lebitso la mohiri wa hao wa hajwale le khoutu ya setheo. Khoutu ya setheo sa hao e ka fumanwa ho tswa setlankaneng sa hao sa moputso, haeba o mosebeletsi wa mmuso.
Ka kopo tlasa dintlha tsa baphedisuwa ba hao Karolong ya B ya Foromo ya kopo. Ho a tlama ho tlatsa dtntlha tsa di-ID tsa baphedisuwa ba hao karolong ena. Re ke ke ra kgona ho sebetsa kopo ya hao haeba tlhahisoleseding ena e sa fanwa.
Ha ho baphedisuwa ba bang ntle le ba boletsweng tafoleng e ka tlase mona ba tla ba le tokelo ya ho ba ditho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo.
Haeba lenyalo e le la setso, afidavite e tswang ho setho e netefatsang boikarabello ba setho ho molekane wa hae.
Setifikeiti sa lenyalo se a hlokeha haeba fane ya lenyalong e fapane le ya Setho sa Sehlooho.
Khopi ya tlameho ya molao ya ho fana ka tshehetso ya bongaka ho latela dipehelo tsa tlhalano kapa taelo ya lekgotla e jwalo e teng.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang hore mophedisuwa ke molekane wa bophelo wa setho sa sehlooho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo. Temoso: Haeba fane ya ngwana e fapane le ya Setho sa Sehlooho, afidavite e tiisang tlameho ya setho ho ngwana eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke Setho sa Sehlooho) Temoso: Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwana ya tlisitsweng lenyalong.
Afidavite e tswang ho setho e netefatsang hore ngwana eo ha a phele sebakeng sa bodulo sa mmuso.
Afidavite ya Setho sa Sehlooho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete. Temoso: Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwana ya tlisitsweng lenyalong.
Haeba fane mophedisuwa e fapane le ya Setho sa Sehlooho, afidavite e tiisang tlameho ya Setho sa Sehlooho ho mophedisuwa eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo.
Afidavite ya Setho sa Sehlooho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete ba baphedisuwa.
Temoso: Ngwana wa setho kapa monyalani le setho sa sehlooho o tlameha hore a ba a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa ngwetsi kapa mokgwenyana.
Afidavite ya Setho sa Sehlooho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete ba baphedisuwa. Temoso: Batswadi ba lenyalong le maqheku a lenyalong ba ka ngodiswa haeba molekane ebile hape e le mojalefa ya ngodisitsweng.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba setloholo hodima Setho sa Sehlooho.
Temoso: Haeba motswadi wa ngwana le yena a ngodisitswe e le mophedisuwa, afidavite e a hlokeha ho tswa ho Setho sa Sehlooho bakeng sa setloholo kapa setloholwana feela.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba moena hodima Setho sa Sehlooho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke Setho sa Sehlooho) Temoso: Ngwana wa habo Setho sa Sehlooho a ka ngodiswa e le mojalefa. Temoso: Monyalani o tlameha hore a be a ngodisitswe hore a kgone ho eketsa bana ba habo.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana/bana ba ngwana wa habo setho hodima Setho sa Sehlooho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke Setho sa Sehlooho le ngwana wa habo sona, moo ho hlokehang.) Temoso: Bana ba ngwana wa habo Setho sa Sehlooho kapa ba monyalani le Setho sa Sehlooho ba ka ngodiswa e le majalefa. Temoso: Haeba motswadi wa ngwana le yena a ngodisitswe e le mophedisuwa, afidavite e hlokeha feela ho tswa ho Setho sa Sehlooho bakeng sa motjhana feela.
Ka kopo ela hloko hore mo/baphedisuwa ba hao ba batho ba baholo ba ka tlangwa ke ditlhoko tsa tlhahlobo ya tshwaneleho ya selemo le selemo. Ditho di tlameha ho fana ka bopaki ba boitshetleho hodima setho ba majalefa ohle a ka tlase ho dilemo tse 21 ho sa kenyeletswe baphedisuwa.
Diafidavite tse boletsweng ka hodimo mona tse lokelang ho tlatswa mmoho le lethathama la dipotso tsa bongaka bakeng sa dikowa di fumaneha webosaeteng ya GEMS ho www.gems.gov.za kapa di ka fumanwa ka ho letsetsa nomoro ya mehala ya setsi ho 0860 00 4367.
Haeba o lokela ho romela afidavite o hloka ho ya seteisheneng sa sepolesa se haufi le wena kapa mothong ofe kapa ofe ya nang le matla a bohlapantshi ho netefatsa hore tlhahisoleseding eo o fanang ka yona ho GEMS ke nnete mme e nepahetse.
Isa "Foromo ya tlhahlobo ya ngaka (ya Bokowa)" ho ngaka e lokelang ebe o mo kopa hore a e tlatse. Tshebetso eo e tla lefellwa ke letlole la tefo ya dingaka bakeng sa ditho tse ngodisitsweng. Ditho tse sangodiswang di hlokwa ho lefella ditjeho tsa tshebeletso ena ya ngaka ka tjhelete ya tsona.
Ka kopo etsa kgetho ya hao ka hloko, hobane ha o na ho kgona ho fetola kgetho ena hara selemo ntle letumello ya Boto ya Batshwaredi.
Dihlapiso tsa hao tsa kantle ho sepetlele le tsa boloko di tla lefuwa ho latela botelele ba nako haeba letsatsi la hao la keno e se la 1 Pherekgong. Sena se bolela hore meedi ya dihlapiso tsa hao e tla sebetswa ho latela nako e setseng ya botho ba hao selemong seo ho tloha ka nako eo o neng o kena.
O tla kgona ho fetola kgetho ya hao qetellong ya selemo se seng le se seng ka letsatsi la pele la selemo se latelang.
O hloka ho bontsha letsatsi leo o batlang ho kenela GEMS ka lona Karolong ya D ya Foromo ya kopo.
Letsatsi la kamohelo la hao le tlameha ho ba letsatsi la pele la kgwedi.
Hohle moo ho kgonehang, netefatsa hore letsatsi la kamohelo ya hao ho GEMS ka kotloloho le latela letsatsi la ho hlakolwa la sekema sa hao sa bongaka sa pele, kaha ho kgaoha ha botho ho ka ama sabsidi ya hao ya mohiri.
Haeba ho se letsatsi le kentsweng, letsatsi la hao la boitokollo le tla sebetswa ka tsela e iketsang ho qala ka letsatsi la pele la kgwedi e latelang hore ho se be le ditefello tse saletseng morao tse bang teng.
Haeba letsatsi la ho kena le kgethilweng ke wena le baka hore ho be le ditefello tse saletseng morao, di tla hulwa moputsong wa hao kapa akhaontong ya banka (haeba e le teng).
Bakeng sa basebetsi ba batjha, letsatsi la ngodiso la hao e ke ke ya eba le tlang pele ho letsatsi la hao la kgiro.
Ka kopo tlatsa foromo ya M2 le ya Z583 bakeng sa ho tiisa sabsidi ho Lefapha la Matlotlo. Diforomo tsena di ka fumanwa webosaeteng ya GEMS ho www.gems.gov.za kapa ka ho letsetsa Setsi sa mehala ho o 0860 00 4367. Haeba o na le khopi ya lengolo la ba Matlolo a Naha (National Treasury) bakeng sa sabsidi ya hao, ka kopo le hokele foromong ya kopo, kaha le tla o dumella ho ngodisa ha bonolo.
Bakopi ba Hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha pakana ya hao ya kgwedi le kgwedi e esong ho hulwe ditjeho. Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Ka kopo hokela setifikeiti sa botho ba hao se nang le letsatsi la qetelo ho tswa setheong sa bongaka sa hao sa pele.
Molao o laela hore wena le baphedisuwa ba hao le se ke la ngodiswa dikemeng tsa bongaka tse fetang bonngwe ka nako e e le nngwe.
Ka kopo ikopanye le sekema sa bongaka sa pele sa hao mme o ba kope ho o fa setifikeiti sa botho se nang le letsatsi la qetelo jwalo ka bopaki ba botho ba hao.
Ka kopo hlokomela hore haeba setifikeiti sa hao sa botho se sa bontshe letsatsi la qetelo, ha re na ho kgona ho se sebedisa. Hopola ho tlatsa le ho romela lengolo la ho kgaolwa hore ho hlakolwe botho ba hao sekemeng sa hao sa pele sa bongaka, haeba o eso etse jwalo.
Haeba o sa kgone ho fumana setifikeiti sa botho, re tla amohela lengolo la phediso ya botho le ngotsweng pampiring ya sekema sa bongaka sa hao sa pele, e le bopaki ba boitokollo.
Haeba o thulana le bothata mabapi le ho emisa kgulo ya ditefello e etswang ke sekema sa bongaka sa hao sa pele moputsong wa hao, ka kopo ikopanye le Moofisiri wa Tshwaro ya Basebetsi (HR) hore a emise kgulo ena ka boyena moputsong wa hao.
Ho a tlama ho tlatsa karolo ena ka botlalo, kaha foromo ya kopo ya hao e ke ke ya sebetswa haeba dintlha tsa hao tsa ho banka di sa fanwa.
Ka kopo netefatsa hore o badile dikarolo tsena ka hloko pele o saena dikarolo tsena foromong ya hao ya kopo.
Ka kopo hlokomela: Foromo ya hao ya kopo e ke ke ya sebetswa ntle le tshaeno ya hao.
Haeba o etsa kgetho ya Sapphire kapa Beryl, o hloka ho lemoha hore tsena ke dikgetho tsa netweke. Sena se bolela hore baphedisuwa ba hao le baphedisuwa ba bona ba hloka ho sebedisa feela bafani ba tlhokomelo ya bophelo ba netweke ya GEMS. Ngaka/ngaka ya meno ya hao ya hajwale e ka nna ya se hlahelle jwalo ka mofani wa tlhokomelo ya bongaka lenaneng la netweke la bafani ba ditshebeletso ba GEMS. Haeba ho le jwalo, o hloka ho letsetsa setsi sa mehala sa GEMS nomorong ya 0860 00 4367 ho fumana mofani wa tshebeletso sebakeng sa heno.
GEMS e kene selekaneng le diketekete tsa dingaka, dingaka tsa meno le bafani ba bang ba ditshebeletso tsa bophelo ho fana ho ditho ka rejistara e hlophisitsweng ka bohlale e atametsang bafani ba ditshebeleteso tsa bophelo ho ditho. Bafani bana ba ditshebeletso tsa bophelo ba dumetse ho se lefise ditho tsa GEMS ka sekgahla se kahodimo ho sa Sekema, e leng se bolelang hore ha o lokele ho lefa letho ho tswa pokothong ya hao bakeng sa tlhahlobo e etswang ke "Friend of GEMS".
Ho fumana "Friend of GEMS" sebakeng seo o leng ho sona, o ka romela feela SMS ho 33489 mmoho le nomoro ya hao, mokgahlelo wa mofani wa tshebeletso, motsetoropo le/kapa katoloso ya wona, le toropo eo o e batlang.
Haeba wena kapa ofe kapa ofe hara baphedisuwa ba hao a na le HIV/AIDS, ho ka ba molemong wa hao hore o kenele lenaneo la taolo la GEMS HIV/AIDS ka ho letsetsa "Aid for AIDS" ho 0860 100 608. Lena ke lenaneo la sephiri, mohiri kapa Sekema ba ka fumana tlhahisoleseding ya monkakarolo.
Meriana ya nako yohle e fanwa ho alafa mafu a sa foleng jwalo ka kgatello e phahameng ya madi kapa asma mme e nowa nako ya bophelo bohle.
GEMS e fana ka dihlapiso tse feletseng tsa meriana ho ditho tsohle tsa yona. E le hore o be le tokelo ya ho fumana meriana e nowang bophelo bohle o tlameha ho ingodisa lenaneong la meriana ya nako yohle, kamora hore o fumane tsebiso ya hore o setho se ngodisitsweng sa GEMS.
Meriana e theko e boima ya nako e kgutshwane e tla thibela kalafo e nngwe e theko e boima, jwalo ka ho amohelwa sepetlele.
Haeba o le kgethong ya Sapphire kapa Beryl, ngaka ya hao ya netweke ya GEMS, kamora ho tiisa tlhahlobo ya hao ya bongaka, e tla jara boikarabello ba ho ngodisa bokudi ba hao ho GEMS le ho fumana tumello bakeng sa meriana ya hao ya nako yohle.
Hang ha o se o ngodisitswe lenaneong meriana ya hao e dumeletsweng e tla lefellwa ka botlalo, ha feela o reka meriana eo khemiseng ya netweke e isang meriana malapeng (Medipost). Ngaka ya hao ya netweke ya GEMS e tla o thusa mabapi le ditlhophiso tsena.
Ka kopo hlokomela hore ke meriana e teng tlhophong ya meriana ya Sapphire le Beryl feela e tla kenyeletswa.
Haeba o le dikgethong tsa Ruby, Emerald kapa Onyx, o hloka ho etsa kopo bakeng sa meriana ya hao ya nako yohle ka ho fumana foromo ya kopo setsing sa mehala sa GEMS kapa ka ho e fumana webosaeteng ya rona ho www.gems.gov.za. Hang ha ngaka ya hao e o hlahlobile le ho tlatsa foromo ya kopo, o hloka ho romela foromo ka fekse mmoho le lengolo la meriana la ngaka le phetwang ho 0866 51 8009 bakeng sa ho sebetswa. Ho seng jwalo o ka di romela ka imeile ho chronicDSP@gems.gov.za. Kamehla netefatsa hore kopo ya hao e tlatsitswe ka ho phethahala le ho saenwa ke bobedi wena le ngaka ya hao.
Sehlopha sa dingaka se tla hlahloba dintlha tsa hao mme haeba ho hlokeha ba tla ikopanya le ngaka ya hao (ka founu kapa ka lengolo) ho kgetha meriana e lokileng ho feta le/kapa e ditjeho di tlase. SMS e tla romelwa ho sena ho bontsha boemo ba kopo ya hao (kamohelo le tumello). Kopo ya hao e tla nka matsatsi a ka bang a supileng a tshebetso hore e sebetswe.
Foromo e kathoko ya kopo ya meriana ya nako yohle e tlameha ho tlatswa bakeng sa setho ka seng sa lelapa se hlokang meriana ya nako yohle.
Boloka khopi ya foromo e tlatsitsweng ya hao bakeng sa direkoto tsa hao.
Hokela diteko/diphuputso tse kgethehileng tse tshehetsang (tse hlokehang) ho thibela ditiehiso mabapi le ho sebetswa ha kopo ya hao.
Hang ha kopo ya hao e dumetswe o tla amohela lengolo la tumello le nang le meriana e lokelang ho lefuwa Dihlapisong tsa Meriana ya Nako Yohle tsa hao. Lengolo lena le bontsha hore ke meriana efe e dumetsweng Lenaneng la Meriana e Dumeletsweng (Medicine Price List - MPL) le meriana e tla hloka ditefello tse kathoko ntle ho tse fanweng tlhophong. Dikgetho tse ding, tse sa tlo baka tefello e kathoko ho tlhopho e fanweng, di a fumaneha. Ka kopo tshohla kgonahalo ya ho sebedisa sehlahiswa se seng mmoho le ngaka e laolang meriana ya hao haeba o batla ho qoba tefello ena. Haeba meriana e dumeletsweng e fapane le meriana e kopilweng, lengolo la tlhaloso le tla kenyeletswa mmoho le lengolo la tumello mme khopi e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao.
Haeba kopo ya hao e hannwe, o tla romelwa lengolo mme khopi ya lona e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao. Haeba tlhahisoleseding e nngwe ya bongaka e hlokeha, kopo ya hao e tla hlahlojwa hape hang ha tlhahisoleseding e hlokehang e amohetswe ho tswa ho ngaka ya hao. Ngaka ya hao e ka letsetsa ho 0860 100 608 bakeng sa thuso.
Mokonsaltente wa DSP wa GEMS bakeng sa Meriana ya Nako yohle o tla ikopanya le wena nakong ya dihora tse 48, ho etsa ditlhophiso tsa thomelo ya meriana ya hao.
Ha foromo ya hao ya kopo e sebeditswe, o tla amohela SMS e netefatsang kamohelo ya kopo ya hao. O tla tsebiswa haeba o ditokomane dife kapa dife tsa tlatsetso di hlokeha hore kopo ya hao e phethelwe.
Ha ngodiso ya foromo ya hao ya kopo e phethilwe, pakana ya setho e kenyeletsang dikarete tsa hao tsa ho ba setho le tataiso e feletseng ya setho e tla romelwa atereseng ya hao ya poso.
<fn>(43200923514 PM) GEMS_APP(SESOTHO).txt</fn>
Bala tataiso ya ho etsa kopo ka hloko, kaha e tshwere tlhahisoleseding ya bohlokwa e tla o thusa ho tlatsa foromo ya kopo ka nepo.
tlatsa foromo ya kopo e leqepheng le latelang mme o netefatse hore o kenyeleditse ditokomane tsohle tse lokelang le tshaeno ya hao moo e hlokehang.
Ditsi tsa tikoloho tse ka etelwang: Sheba tataiso ya ho etsa kopo bakeng sa dintlha tse feletseng.
Haeba kopo ya hao e atlehile, GEMS e tla o romela pakana ya kamohelo ka poso nakong ya matsatsi a kamora hore e amohele kopo ya hao.
Kopo ya hao e tla diehiswa haeba o sa fane ka ditokomane tsohle tse hlokehang ho GEMS.
haeba kopo ya hao e sa kgona ho sebetswa, GeMs e tla ikopanya le wena nakong ya matsatsi a 5 kamora hore e amohele kopo ya hao.
Ka kopo ikopanye le setsi sa mehala nomorong ya 0860 00 4367 kapa ka imeile ho enquiries@gems.gov.za haeba o hloka thuso efe kapa efe e nngwe mabapi le ho tlatsa foromo ya hao ya kopo.
KA KOPO BALA TATAISO YA HO ETSA KOPO HO O THuSA HO TLATSA fOROMO ENA YA KOPO. SE KE WA KGuTLISA TATAISO ENA MMOHO LE fOROMO YA HAO YA KOPO.
Netefatsa hore o fana ka ditokomane tsohle tsa tlatsetso tse hlokehang.
Ka kopo sheba Karolo ya B ya tataiso ya kopo e le ho netefatsa hore batho bao o ba hlahisang e le baphedisuwa ba hao ba na le tokelo e jwalo. Re ke ke ra sebetsa foromo ya hao haeba ID ya hao e sa fanwa. Ka hona ho a tlama hore o tlatse karolo ena ka botlalo.
Ka kopo etsa kgetho E LE NNGWE FEELA YA DIHLAPISO lenaneng le ka tlase mona ebe o tshwaya boloko bo lokelang ka X.
Dipusetso tsohle tsa tjhelete ya tleleime ka sekgahla sa Sekema le ho latela melawana ya Sekema.
Bakopi ba hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa motheo wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi o esong ho hulwe ditjeho. Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Bakopi ba mapenshenara: Ka kopo bontsha penshene ya hao ya kgwedi le kgwedi.
Na o setho kapa mophedisuwa wa sekema sa bongaka se ngodisitsweng?
haeba o re ee, na o setho se ka sehloohong kapa o mophedisuwa?
Haeba o le setho/mophedisuwa, ka kopo hokela setifikeiti sa hao sa botho ho tswa sekemeng sa bongaka sa pele sa hao se netefatsang letsatsi la qetelo (dikarete tsa botho di le ding feela ha di a lekana). O tlameha ho netefatsa hore botho ba hao sekemeng sa bongaka sa hao sa nako e fetileng bo hlakotswe.
Ditlatsetso tsa setho se sebetsang di hulwa ka tsela e iketsang meputsong ya tsona moo ho hlokehang.
Haeba o kgetha ho lefa ka tsela ya debite otara ha o hloke ho tlatsa Dintlha tsa Banka tsa Setho ka tlase mona (Karolo ya H).
Dintlha tsa akhaonto ya banka: Di hlokeha bakeng sa ho kgutliswa ha tjhelete ya setho ka kotloloho, le ho kgutliswa ka kotloloho ha tjhelete e kolotwang ke nna sekemeng. Re ke ke ra sebetsa dipuseletso dife kapa dife tsa tjhelete tseo o di lebeletseng haeba o sa fana ka dinltha tsa hao tsa banka rekotong.
tlhahisoleseding efe kapa efe ho ba taolo ya tlhokomelo ya bongaka, boemong bofe kapa bofe bo sa hlahiseng lebitso, e hlokehang ka mabaka a tsamaiso le dipalopalo, haeba tlhahisoleseding e jwalo e tla tshwarwa ka sephiri ka dinako tsohle.
Ho bohlokwa ho fana ka tumelo ho GEMS le/kapa baemedi ba yona hore e rerisane le di/ngaka tsa hao, sepetlele kapa mofani ofe kapa ofe wa tlhokomelo ya bongaka ho netefatsa hore o fumana tlhokomelo ya bongaka e lokileng ka ho phethahala.
E Dikateng tsa foromo ena ke nnete, di nepahetse mme di phethahetse. Haeba ho ka ba le ho se hlahiswe hofe kapa hofe ha tlhahisoleseding kapa ho hlahisa taba e siyo jwalo ka ha eka ke nnete, ke utlwisisa hore botho ba ka bo ka fediswa mme nka kotjwa ho buseletsa sekema, tjhelete efe kapa efe eo, haeba ke ne ke sa sebedisa dihlapiso kapa melemo efe kapa efe ya sekema, e ka beng e sa sebediswa lebitsong la ka, ho ipapisitswe le melawana ya boipiletso.
E Ke entse kgetho ya ka mme ke ikgodisitse mabapi le sebopeho sa dihlapiso tse tlasa kgetho ena.
E Ke dumela ho ithuta ka botlalo melawana ya Sekema sena.
E Majalefa a ka, ntle le molekane/monyalani wa ka, ba itshetlehile ho nna ka ho phethahala kapa ka tsela e itseng le ho fihlela boemo boo ka bona ba sa amoheleng moputso wa selemo le selemo o kahodimo ho moedi wa penshene o sebetsang kapa ba sa hirwa ka nako yohle ka letsatsi la ho saenwa ha foromo ena.
E Ke a tseba hore GEMS e ka beha dinako tse akaretsang tsa ho ema le/kapa dinako tsa ho ema tse nang le dipehelo, jwalo ka ha Molao wa Dikema tsa Bongaka (131 wa 1998) o bolela.
E Ke utlwisisa hore dintlha tse mabapi le nna le tlhahisoleseding ya bongaka e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bongaka ka tumelo ya ka e hlakileng e tla bolokwa sephiring.
E Ke hlokometse hore tlhahisoleseding ya sephiring ya ka le baphedisuwa ba ka e ka sebedisetswa merero ya risetjhe, data ya dipalopalo, tlhokomelo e laolwang le ditlaleho mme ketso efe kapa efe e sa ikamahanyeng le sena e tla ba tshenyo ya sephiri.
E Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore GEMS e batle ho sebedisa tlhahisoleseding ya ka kapa ya baphedisuwa ba ka ya sephiring bakeng sa merero e meng ntle le e fanweng boikanong bona, GeMs e hlokwa ho fumana tumelo e nngwe ho nna le baphedisuwa ba ka.
E Ke utlwisdisa hore tlhahisoleseding ya ka bo-nna le e mabapi le bophelo bo botle ba ka di ke ke tsa sebedisetswa mabaka a mang a kgwebo a nang le kamano kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
E Ke utlwisisa hore GEMS e fane ka phihlello ho batho ba itseng kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona tlhahisoleseding ya setho bosona le tlhahisoleseding ya bongaka ya bona.
E Ke utlwisisa hore GEMS le batho ba kathoko ba sebetsang le yona ba tla sebedisa mokgwatshebetso wa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo bo botle/tlhahlobo ya bongaka bakeng sa merero e latelang - ho sebetsana le foromo ya kopo ya botho, puseletso ya tjhelete ya ditleleime, ho fumana tokelo ya ditho mabapi le ho fumana dihlapiso le tshebetso ya taolo ya mathata.
E Ke utlwisisa hore GEMS e kene ditumellanong tsa sephiri le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa (beneficiaries) a sekema bakeng sa merero ya phetiso le taolo ya data, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
E Ke utlwisisa hore basebetsi ba GEMS le batho ba kathoko bao e sebetsang le bona ba tlangwa ke ditumellano tsa kahare tsa sephiri.
E Ke utlwisisa hore GEMS e tla netefatsa hore mehato e lekaneng ya tshireletso ya data e madulong.
E Ke utlwisisa hore haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, GEMS e jara boikarabello ba sena mme ho senngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa GeMs.
E Ke ikana hore nna le mo/baphedisuwa ba ka re tla ikamahanya le melawana le diprothokole tsa GEMS.
E Ke dumela mona ka tsela e sa tlo hlakolwa hore GEMS e kenye tshebetsong tefello ya ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi hanghang ho tloha ka letsatsi leo ke keneng ka lona.
E Mona ke fana ka tumello ka tsela e ke keng ya hlakolwa hore mohiri wa ka/GeMs a hule moputsong/ akhaontong ya banka ya ka tjhelete efe kapa efe eo ka molao ke e kolotang GeMs le ho lefa ho GeMs kapa baemedi ba yona ditjhelete tsena tse hutsweng.
E Nna kapa baphedisuwa bafe kapa bafe ba ka ha re majalefa a sekema se seng hape sa bongaka se ngodisitsweng.
E Ke tla tsebisa Sekema ka diphetoho dife kapa dife boemong ba mophedisuwa wa ka kapa boemo ba ka bo-nna, jwalo ka ha ho hlokeha tlasa melawana ya Sekema, nakong ya matsatsi a 30 kamora ho fetoha ha maemo.
E Ke tla tsebisa GEMS bonyane dihora tse 48 pele ho kamohelo e seng ya tshohanyetso sepetlele. Ke ananela hore ho hloleha ha ka ho ka baka hore karolo ya tefo e etswe ke nna.
E Ke ananela hore Sekema/baemedi ba sona ba tla lefa feela ditleleime tseo ba nkang di nepahetse mme di ikamahanya le melawana.
E Melawana e tla dula ka nako yohle e sebetsa mme ke amohela hore mangolo, masedinyana le dibukana ha di na ho nka sebaka sa melawana ya sekema.
E Ke dumela hore dipuisano dipakeng tsa ka le Sekema kapa mahlakore a keneng konterakeng le sona di ka rekotwa.
E Dintlha tse mabapi le tlhahisoleseding ya bongaka ya setho e fumanweng ho bafani ba tlhokomelo ya bophelo ka tumelo e hlakileng ya setho di tla bolokwa sephiring.
E tlhahisoleseding ya ditho (ya bobona kapa bophelo ba bona) e keke ya sebedisetswa merero ya kgwebo ya khampani kapa ho rekiswa ka mabaka a kgwebo.
E ho na le mehato ya tshireletso e behilweng madulong.
E Phihlello e fanwa ho batho ba kahara mokgatlo le batho ba kathoko ba nang le konteraka le yona, molemong wa tlhahisoleseding ya majalefa le bophelo ba bona.
E sekema le batho ba kathoko ho sona ba nang le konteraka le sona ba tla sebedisa tlhahisoleseding ya bongaka/bophelo/tlhahlobo ya bophelo/mekgwatshebetso e fanweng bakeng sa merero e latelang: ho sebetsana le kopo ya botho, puseletso ya ditleleime, ho fumana tokelo ya setho hodima dihlapiso le taolo ya tshebetso ya menyetla ya kotsi.
E Basebetsi bohle kahara sekema le batho ba kathoko bao e sebetsang le bona ka konteraka ba tlangwa ke ditumellano tsa kahare tsa sephiri.
E Sekema se netefaditse hore ditumellano tsa sephiri di fihletswe le batho bohle ba nang le dikonteraka ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ya majalefa bakeng sa merero ya phetiso le taolo ya data, tsamaiso ya sekema le ditlhophiso tsa taolo ya tlhokomelo.
E haeba ho etsahala hore ho be le ho senolwa ha sephiri, sekema se jara boikarabello ba sena mme ho senngwa hoo ha tumellano ho tla sebetswa ho latela diprothokole tsa kahare tsa sekema.
Ka kopo letsetsa ho 0860 00 4367 haeba o sa amohela netefatso ya botho ba hao ho GEMS nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso.
Ka kopo se ke wa kgutlisa bukana ena ya tataiso mmoho le foromo ya hao ya kopo e tlatsitsweng.
Khopi ya ID ya setho se ka sehloohong.
Diforomo tsa M2 le Z583, haeba o le mopenshenara le/kapa mosebeletsi wa nako e fetileng wa mmuso.
Lengolo la netefatso ya tshehetso ya tjhelete sabsidi le tswang ofising ya Matlotlo a Naha National treasury, haeba le fumaneha.
Setifikeiti sa botho se tswang sekemeng sa pele sa bongaka se nang le letsatsi la qetelo.
Tshaeno ya hao moo ho hlokehang (Dikarolo tsa H, I le J).
KAROLO YA A: DINTLHA TSA SETHOO tlamellwa hore o tlatse tlhahisoleseding yohle Karolong ya A, moo ho hlokehang.
Nomoro ya hao ya Persal e fumaneha setlankaneng sa hao sa moputso. Mapenshenara: Ka kopo ela hloko hore nomoro ya hao ya Penshene e hlahella mangolong a hao kapa Setifikeiting sa Penshene se tswang Ofising ya Matlotlo a Naha.
Ka kopo bontsha lebitso la mohiri wa hao wa hajwale le khoutu ya setheo. Khoutu ya setheo sa hao e ka fumanwa ho tswa setlankaneng sa hao sa moputso, haeba o mosebeletsi wa mmuso.
Ka kopo tlasa dintlha tsa baphedisuwa ba hao Karolong ya B ya Foromo ya kopo. Ho a tlama ho tlatsa dtntlha tsa di-ID tsa baphedisuwa ba hao karolong ena. Re ke ke ra kgona ho sebetsa kopo ya hao haeba tlhahisoleseding ena e sa fanwa.
ha ho baphedisuwa ba bang ntle le ba boletsweng tafoleng e ka tlase mona ba tla ba le tokelo ya ho ba ditho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo, kapaTemoso: Haeba lenyalo e le la setso, afidavite e tswang ho setho e netefatsang boikarabello ba setho ho molekane wa hae.
Khopi ya tlameho ya molao ho fana ka tshehetso ya tsa bongaka tlasa tumellano ya tlhalano.
Afidavite e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete ba molekane hodima molekane wa hae eo e leng setho.
Karolo ya mophedisuwa e tlatsitsweng foromong ya kopo. Temoso: Haeba fane ya ngwana e fapane le ya setho, afidavite e tiisang tlameho ya setho ho ngwana eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha.
haeba ngwana e le sekowa sa kelello kapa sekowa mmeleng: Bopaki ba kgolofalo bo tswang ho ngaka (tlaleho ya tlhahlobo e lokelang -ho tlatswa ke Ngaka) le Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.
haeba ngwana e se moithuti kapa e se sekowa: Afidavite ya setho e tiisang boitshetleho ba tsa ditjhelete.-Temoso: Haeba fane ya ngwana e fapane le ya setho, afidavite e tiisang tlameho ya setho ho ngwana eo mme e bolelang lebaka la phapang eo e a hlokeha.
Afidavite e tswang ho setho e supang boitshetleho ba ditjhelete ba mojalefa (beneficiary) hodima setho. Temoso: Batswadi ba lenyalong le maqheku a lenyalong ba ka ngodiswa haeba molekane ebile hape e le mojalefa ya ngodisitsweng.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba setloholo hodima setho.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana wa habo setho hodima setho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho) Temoso: Ke ngwana wa habo setho se ka sehloohong feela ya ka ngodiswang e le mojalefa.
Afidavite e hlapanyeditsweng e tiisang boitshetleho ba ditjhelete ba ngwana/bana wa habo setho hodima setho. (Afidavite e hlapanyeditsweng e tlameha ho tlatswa ke setho le ngwana wa habo sona, moo ho hlokehang) Temoso: Ke bana ba ngwana wa habo setho se ka sehloohong feela ya ka ngodiswang e le mojalefa.
Ka kopo ela hloko hore mo/baphedisuwa ba hao ba batho ba baholo ba ka tlangwa ke ditlhoko tsa tlhahlobo ya tshwaneleho ya selemo le selemo. Ditho di tlameha ho fana ka bopaki ba boitshetleho hodima setho ba majalefa ohle a ka tlase ho dilemo tse 21 ho sa kenyeletswe baphedisuwa.
Diafidavite tse boletsweng ka hodimo mona tse lokelang ho tlatswa mmoho le lethathama la dipotso tsa bongaka bakeng sa dikowa di fumaneha webosaeteng ya GEMS ho www.gems.gov.za kapa di ka fumanwa ka ho letsetsa nomoro ya mehala ya setsi ho 0860 00 4367.
E Haeba o lokela ho romela afidavite o hloka ho ya seteisheneng sa sepolesa se haufi le wena kapa mothong ofe kapa ofe ya nang le matla a bohlapantshi ho netefatsa hore tlhahisoleseding eo o fanang ka yona ho GeMs ke nnete mme e nepahetse.
E Isa "Foromo ya tlhahlobo ya ngaka (ya Bokowa)" ho ngaka e lokelang ebe o mo kopa hore a e tlatse. Tshebetso eo e tla lefellwa ke letlole la tefo ya dingaka bakeng sa ditho tse ngodisitsweng. Ditho tse sa ngodiswang di hlokwa ho lefella ditjeho tsa tshebeletso ena ya ngaka ka tjhelete ya tsona.
E Ka kopo etsa kgetho ya hao ka hloko, hobane ha o na ho kgona ho fetola kgetho ena hara selemo ntle le tumello ya Boto ya Batshwaredi.
E Dihlapiso tsa hao tsa kantle ho sepetlele le tsa boloko di tla lefuwa ho latela botelele ba nako haeba letsatsi la hao la keno e se la 1 Pherekgong. Sena se bolela hore meedi ya dihlapiso tsa hao e tla sebetswa ho latela nako e setseng ya botho ba hao selemong seo ho tloha ka nako eo o neng o kena. E o tla kgona ho fetola kgetho ya hao qetellong ya selemo se seng le se seng ka letsatsi la pele la selemo se latelang.
O hloka ho bontsha letsatsi leo o batlang ho kenela GEMS ka lona Karolong ya D ya Foromo ya kopo.
E Letsatsi la kamohelo la hao le tlameha ho ba letsatsi la pele la kgwedi.
E hohle moo ho kgonehang, netefatsa hore letsatsi la kamohelo ya hao ho GeMs ka kotloloho le latela letsatsi la ho hlakolwa la sekema sa hao sa bongaka sa pele, kaha ho kgaoha ha botho ho ka ama sabsidi ya hao ya mohiri.
E haeba ho se letsatsi le kentsweng, letsatsi la hao la boitokollo le tla sebetswa ka tsela e iketsang ho qala ka letsatsi la pele la kgwedi e latelang hore ho se be le ditefello tse saletseng morao tse bang teng. E haeba letsatsi la ho kena le kgethilweng ke wena le baka hore ho be le ditefello tse saletseng morao, di tla hulwa moputsong wa hao kapa akhaontong ya banka (haeba e le teng). E Bakeng sa basebetsi ba batjha, letsatsi la ngodiso la hao e ke ke ya eba le tlang pele ho letsatsi la hao la kgiro.
Matlotlo. haeba o na le khopi ya lengolo la ba Matlolo a Naha (National treasury) bakeng sa sabsidi ya hao, ka kopo le hokele foromong ya kopo, kaha le tla o dumella ho ngodisa ha bonolo.
Bakopi ba Hirilweng: Ka kopo bontsha moputso wa hao wa kgwedi le kgwedi. Haeba o le bookameding bo bohareng kapa bo phahameng, ka kopo bontsha pakana ya hao ya kgwedi le kgwedi e esong ho hulwe ditjeho.
Kenyeletsa setlankana sa moputso sa moraorao sa hao kapa lengolo la kgiro haeba o le mosebetsi e motjha.
Ka kopo hokela setifikeiti sa botho ba hao se nang le letsatsi la qetelo ho tswa setheong sa bongaka sa hao sa pele.
E Molao o laela hore wena le baphedisuwa ba hao le se ke la ngodiswa dikemeng tsa bongaka tse fetang bonngwe ka nako e e le nngwe.
E Ka kopo ikopanye le sekema sa bongaka sa pele sa hao mme o ba kope ho o fa setifikeiti sa botho se nang le letsatsi la qetelo jwalo ka bopaki ba botho ba hao.
E Ka kopo hlokomela hore haeba setifikeiti sa hao sa botho se sa bontshe letsatsi la qetelo, ha re na ho kgona ho se sebedisa. hopola ho tlatsa le ho romela lengolo la ho kgaolwa hore ho hlakolwe botho ba hao sekemeng sa hao sa pele sa bongaka, haeba o eso etse jwalo.
E Haeba o sa kgone ho fumana setifikeiti sa botho, re tla amohela lengolo la phediso ya botho le ngotsweng pampiring ya sekema sa bongaka sa hao sa pele, e le bopaki ba boitokollo. E haeba o thulana le bothata mabapi le ho emisa kgulo ya ditefello e etswang ke sekema sa bongaka sa hao sa pele moputsong wa hao, ka kopo ikopanye le Moofisiri wa Tshwaro ya Basebetsi (HR) hore a emise kgulo ena ka boyena moputsong wa hao.
ho a tlama ho tlatsa karolo ena ka botlalo, kaha foromo ya kopo ya hao e ke ke ya sebetswa haeba dintlha tsa hao tsa ho banka di sa fanwa.
Ka kopo netefatsa hore o badile dikarolo tsena ka hloko pele o saena dikarolo tsena foromong ya hao ya kopo.
Ka kopo hlokomela: foromo ya hao ya kopo e ke ke ya sebetswa ntle le tshaeno ya hao.
haeba o etsa kgetho ya sapphire kapa Beryl, o hloka ho lemoha hore tsena ke dikgetho tsa netweke. sena se bolela hore baphedisuwa ba hao le baphedisuwa ba bona ba hloka ho sebedisa feela bafani ba tlhokomelo ya bophelo ba netweke ya Prime Cure. Ngaka/ngaka ya meno ya hao ya hajwale e ka nna ya se hlahelle jwalo ka mofani wa tlhokomelo ya bongaka lenaneng la netweke ya Prime Cure. Haeba ho le jwalo, o hloka ho letsetsa setsi sa mehala sa GEMS nomorong ya 0860 00 4367 ho fumana mofani wa tshebeletso sebakeng sa heno.
GeMs e kene selekaneng le diketekete tsa dingaka, dingaka tsa meno le bafani ba bang ba ditshebeletso tsa bophelo ho fana ho ditho ka rejistara e hlophisitsweng ka bohlale e atametsang bafani ba ditshebeleteso tsa bophelo ho ditho. Bafani bana ba ditshebeletso tsa bophelo ba dumetse ho se lefise ditho tsa GEMS ka sekgahla se kahodimo ho sa sekema, e leng se bolelang hore ha o lokele ho lefa letho ho tswa pokothong ya hao bakeng sa tlhahlobo e etswang ke "Friend of GEMS".
Ho fumana "Friend of GEMS" sebakeng seo o leng ho sona, o ka romela feela SMS ho 33489 mmoho le nomoro ya hao, mokgahlelo wa mofani wa tshebeletso, motsetoropo le/kapa katoloso ya wona, le toropo eo o e batlang.
Haeba wena kapa ofe kapa ofe hara baphedisuwa ba hao a na le HIV/AIDS, ho ka ba molemong wa hao hore o kenele lenaneo la taolo la GEMS HIV/AIDS ka ho letsetsa "Aid for AIDS" ho 0860 100 608. Lena ke lenaneo la sephiri, mohiri kapa sekema ba ka fumana tlhahisoleseding ya monkakarolo.
Meriana ya nako yohle e fanwa ho alafa mafu a sa foleng jwalo ka kgatello e phahameng ya madi kapa asma mme e nowa nako ya bophelo bohle.
GeMs e fana ka dihlapiso tse feletseng tsa meriana ho ditho tsohle tsa yona. e le hore o be le tokelo ya ho fumana meriana e nowang bophelo bohle o tlameha ho ingodisa lenaneong la meriana ya nako yohle, kamora hore o fumane tsebiso ya hore o setho se ngodisitsweng sa GeMs.
E Meriana ya mafu a bolayang, jwalo ka lefu la tswekere; E Meriana e sebediswang nako yohle ho alafa mafu a sa foleng a holofatsang a amang tlhahiso le boleng ba bophelo ka tsela e kgolo; le E Meriana e theko e boima ya nako e kgutshwane e tla thibela kalafo e nngwe e theko e boima, jwalo ka ho amohelwa sepetlele.
Haeba o le kgethong ya Sapphire kapa Beryl, ngaka ya hao ya netweke ya Prime Cure, kamora ho tiisa tlhahlobo ya hao ya bongaka, e tla jara boikarabello ba ho ngodisa bokudi ba hao ho GeMs le ho fumana tumello bakeng sa meriana ya hao ya nako yohle.
hang ha o se o ngodisitswe lenaneong meriana ya hao e dumeletsweng e tla lefellwa ka botlalo, ha feela o reka meriana eo khemiseng ya netweke ya Prime Cure kapa ka khemise e isang meriana malapeng. Ngaka ya hao ya Prime Cure e tla o thusa mabapi le ditlhophiso tsena.
Ka kopo hlokomela hore ke meriana e teng tlhophong ya meriana ya Sapphire le Beryl feela e tla kenyeletswa.
hang ha ngaka ya hao e o hlahlobile le ho tlatsa foromo ya kopo, o hloka ho romela foromo ka fekse mmoho le lengolo la meriana la ngaka le phetwang ho 0866 51 8009 bakeng sa ho sebetswa. Ho seng jwalo o ka di romela ka imeile ho chronicDSP@gems.gov.za. Kamehla netefatsa hore kopo ya hao e tlatsitswe ka ho phethahala le ho saenwa ke bobedi wena le ngaka ya hao.
sehlopha sa dingaka se tla hlahloba dintlha tsa hao mme haeba ho hlokeha ba tla ikopanya le ngaka ya hao (ka founu kapa ka lengolo) ho kgetha meriana e lokileng ho feta le/kapa e ditjeho di tlase. sMs e tla romelwa ho sena ho bontsha boemo ba kopo ya hao (kamohelo le tumello). Kopo ya hao e tla nka matsatsi a ka bang a supileng a tshebetso hore e sebetswe.
E Foromo e kathoko ya kopo ya meriana ya nako yohle e tlameha ho tlatswa bakeng sa setho ka seng sa lelapa se hlokang meriana ya nako yohle. E Boloka khopi ya foromo e tlatsitsweng ya hao bakeng sa direkoto tsa hao. E hokela diteko/diphuputso tse kgethehileng tse tshehetsang (tse hlokehang) ho thibela ditiehiso mabapi le ho sebetswa ha kopo ya hao.
Dihlapisong tsa Meriana ya Nako Yohle tsa hao. Lengolo lena le bontsha hore ke meriana efe e dumetsweng Lenaneng la Meriana e Dumeletsweng (Medicine Price List - MPL) le meriana e tla hloka ditefello tse kathoko ntle ho tse fanweng tlhophong. Dikgetho tse ding, tse sa tlo baka tefello e kathoko ho tlhopho e fanweng, di a fumaneha. Ka kopo tshohla kgonahalo ya ho sebedisa sehlahiswa se seng mmoho le ngaka e laolang meriana ya hao haeba o batla ho qoba tefello ena. haeba meriana e dumeletsweng e fapane le meriana e kopilweng, lengolo la tlhaloso le tla kenyeletswa mmoho le lengolo la tumello mme khopi e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao.
haeba kopo ya hao e hannwe, o tla romelwa lengolo mme khopi ya lona e tla romelwa ho ngaka e laolang meriana ya hao. haeba tlhahisoleseding e nngwe ya bongaka e hlokeha, kopo ya hao e tla hlahlojwa hape hang ha tlhahisoleseding e hlokehang e amohetswe ho tswa ho ngaka ya hao.
Haeba meriana ya hao ya kamehla e fetoha ka tsela efe kapa efe, o hloka ho tsebisa GEMS.
Mokonsaltente wa DSP wa GEMS bakeng sa Meriana ya Nako yohle o tla ikopanya le wena nakong ya dihora tse 48, ho etsa ditlhophiso tsa thomelo ya meriana ya hao.
ha foromo ya hao ya kopo e sebeditswe, o tla amohela sMs e netefatsang kamohelo ya kopo ya hao. o tla tsebiswa haeba o ditokomane dife kapa dife tsa tlatsetso di hlokeha hore kopo ya hao e phethelwe.
ha ngodiso ya foromo ya hao ya kopo e phethilwe, pakana ya setho e kenyeletsang dikarete tsa hao tsa ho ba setho le tataiso e feletseng ya setho e tla romelwa atereseng ya hao ya poso.
<fn>(49201014426 PM) PHR brochure_Sesotho.txt</fn>
Pokello ya dintlha ya PHR e tshwere direkoto tsa hao tsa bophelo tse thehilweng hodima histori ya ditleleime tsa hao.
Jwale o ka kopa PHR webosaeteng ya GEMS, mme wa kgetha ho arolelana tlhahisoleseding ena le mofani wa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo wa hao. Dula o hopotse hore rekoto ena e tla tshwara feela tlhahisoleseding e mabapi le bophelo le ditleleime e rekotilweng ke GEMS.
Tjhe, tlhahisoleseding ya HIV e ke ke ya kenyeletswa ho PHR.
Na mofani wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle a ka kopa Rekoto ya Bophelo ya Mokudi?
Rekoto ya mokudi e fumaneha feela ho setho sa sehlooho. Ke tokelo ya hao ho kgetha hore o batla ho arolelana tlhahisoleseding ena le mang.
Menyetla ya Rekoto ya Bophelo ba Mokudi ke efe?
E ka thusa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba hao kaha mofani wa tshebeletso ya bophelo wa hao a tla ba le tlhahisoleseding yohle eo a e hlokang.
Rekoto ya bophelo e tla tshwara tlhahisoleseding e mabapi le dialeji, e tla ba molemo ho thibeleng kapa ho fokotseng diphoso tsa bongaka.
Diteko tsa bongaka ha di na ho hloka ho phetwa! Diteko tsohle tse seng di entswe di tla rekotwa, e leng se tla etsa hore ditsiane tsa hao di nke nako e telele.
ka ho ikopanya le Setsi sa Mehala sa GEMS nomorong ya 0860 00 4367. Rekoto ya Bophelo ba Mokudi e tla romelwa ho wena ka imeile kapa ka poso.
Jwale o tla kotjwa ho kenya aterese ya imeile haeba o batla kgatiso ya elektroniki kapa ho seng jwalo o ka tlelika konopong ya ho khansela ho sheba kgatiso ya mongolo e printwang.
Leqephe le tla buleha le tshwereng PHR ka sebopehosaPDFleletsatsileoehlahisitsweng ka lona.
Kgatiso ya PDF ya PHR e tla fanwa ka tsela e latelang ka tlase mona.
O tlameha hore o be o le setho se tswellang sa GEMS hore o fumane diphetho tsa moraorao.
Ke FEELA ditho tse ka sehloohong tse ka kopang tlhahisoleseding ena.
Ditho di tlameha ho ba le PIN ya ho kena e sebetsang. Sena se ka thehwa webosaeteng.
Ka kopo se ke wa qeyaqeya ho ikopanya le rona ho 0860 00 4367 haeba o hloka thuso efe kapa efe mabapi le ho sebedisa tshebeletso ena.
<fn>(527201093110 AM) Sesotho Maternity Programme.txt</fn>
mekgahlelong yohle ya boimana ba hao, ho tla tswella ho ikopanya le wena kamora hore o amohelwe pepa le nako ya botswetse (nako ya kamora ho pepa). sepetlele le kamora hore lesea la hao le hlahe.
Sepheo ke ho o fa dikeletso le tlhahisoleseding tse mabapi le Lenaneo la ho Pepa le eteletswe pele ke baoki ba nang le motswadi e motjha.
e motjha ha o ingodisa Lenaneong lena la ho Pepa. nakong ya ho kena tlung ha hao le dikgetho tse ding tseo o ka bang le tsona.
Mokotlana wa maimana o tla romelwa ho wena nakong Phihlello ho tlhokomelo ya bophelo e tla kgonahatsa hore ya dikgwedi tse tharo tsa qetello ya boimana ba hao.
Phihlello ya mahala ditshebeletsong tsohle tse fanwang ke Lenaneo la ho Pepa. diqeto tse mabapi le bophelo ba hao le dikgetho tsa hao e tla kgonahatsa hore o tsa ho pepa.
Tlhahisoleseding utlwisise Phano ya tumello ya kamohelo ya hao sepetlele/setsing ditsiane tse fanwang ke GEMS nakong ya boimana ba hao le kamora ho hlaha ha ngwana wa hao. sa ho pepa sa kgetho ya hao.
Morero wa Tlhokomelo ho tataisa ngaka ya hao kalafong Dikeletso le tshehetso tse fanwang ka mohala haeba o e lokelang e hlokehang bakeng sa nako ya boimana ba ba le mathata nakong ya dibeke tse mmalwa tsa pele o le hao. motswadi e motjha.
TEMOSO: Ho fumana ditsiane tsena o tlameha ho ngodiswa lenaneong lena.
Dikeletso mabapi le ditaba tse jwalo ka tsa dijo, boikwetliso, makukuno a fokolang ka nako ya boimana, ho pepela lapeng, meriana e ithekelwang ka kotloloho le ho anyesa.
Ho o matlafatsa mabapi le ho itlhokomela ka nako ya boimana, ho pepa le kamora ho pepa.
Haeba lesea la hao le amohetswe yuniting ya batswetse ka mabaka afe kapa afe, mookamedi wa taba wa hao o tla disa kgatelo pele ya lesea la hao ka ho ikopanya le sepetlele.
Mookamedi wa taba o tla boela a be teng ho o fa tshehetso ho fihlela nako ya tlhahlobo ya lesea e fihla.
Mookamedi wa taba o kgona ho o fetisetsa ditsing tse lokelang tse kenyeletsang bapepisi, dingaka, dingaka tse kgethehileng, dipetlele, diyuniti tsa ho pepa le dihlopha tsa tshehetso kahare ho Afrika Borwa.
<fn>(712201042039 PM) Member newsletter Q2_SESOTHO_REVISED (1).txt</fn>
Na ditshebeletso tsa hao tsa tlhokomelo ya bophelo di lefisa dikgahla tsa Morero?
Tshebeletso ya rona e jwang?
Mariha a fihlile mme re na le monyetla wa boitekolo, ho hlahlobisa le ho ntjhafatsa dintho. Leha phetoho e ka ba le makukuno, ntle le kgwao ke ntho e tletseng menyetla e meholo.
E nngwe ya diphetoho tse jwalo ke kgetho ya ditho tse ntjha tsa ditho tsa batshwaredi (trustees) ba GEMS. Nako ya ho ba ofising ya ditho tsa batshwaredi ba bararo ba kgethilweng ke ditho ba sebeditseng Morerong e fihla pheletsong mafelong a Phupu. Re lakatsa ho leboha Mong. Marthinus Brand, Mong. Adriaan van Wyk le Mof.
GEMS di sireletsehile ka dinako tsohle. Jwalo ka batshwaredi ba motheo ba morero wa tsa bongaka o moholo wa pulamadiboho, ba bapetse seabo sa motheo, e seng feela paleng ya GEMS, empa hape indastering ya tsa tlhokomelo ya bophelo kahara Afrika Borwa. Re nka monyetla ona hape ho leboha Mof. Vuyelwa Vumendlini bakeng sa seabo seo a se bapetseng jwalo ka Motlatsi wa Modulasetulo wa Boto. Mof. Vumendlini, ke motshwaredi ya kgethilweng ke mohiri, mme o tswa Botong ho ya qala mosebetsi o motjha jwalo ka Moeletsi e Moholo Bankeng ya Lefatshe e Amerika. Ha re amoheleng ka mofuthu batshwaredi ba batjha ba kgethilweng ba tla kena ofising ka Phupu 2010.
Phetoho e nngwe e molemo ke thomeho ya mehla e metjha ya moreki wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo ya nang le tsebo. Ho GEMS ke sepheo sa rona ho netefatsa hore ditho tsa rona di amohela leano lena ka botlalo. Ha re lebale hore ke hobaneng batho ba kenetse morero ona mme ke maikemisetso a rona ho netefatsa hore ditho tsa rona di amohela, bonyanenyane, seo ba nang le tokelo ho sona - tlhokomelo ya bophelo e fihlellehang, e kgonehang ka ditjeho le ya boleng bo phahameng.
Kgatisong ena ya 'facets' ka kopo bala sengolwa sa rona sa bohlokwa se mabapi le bohlokwa ba ho rerisana le ngaka ya hao. Hape ho na le sengolwa se mabapi le lefu la tswekere le kgopotso ya hore o etse teko ya maemo a tlelukhose ya hao ho se seng sa ditsi tsa rona tsa GEMS tsa tlhahlobo ya bophelo tse bang teng lefapheng la heno ka kopo lebella matsatsi ana. Matsatsi ana ke monyetla o moholo wa hore o hlokomele bophelo ba hao ntle le hore o kenye letsoho la hao ka pokothong kapa o tsamaye mosebetsing.
Ba bang hara lona ba nang le bokgoni ba inthanete ba tla natefelwa ke sengolwa sa rona sa "Websmart", ka ho fumana ka moo o ka sebedisang ditshebeletso tsa Friends of GEMS ho DotMobi. Hape phatlalatsong ena ho na le sengolwa se mabapi le HIV/AIDS le Lefuba le hlolang meriana, e leng tshosetso ya bophelo bo botle e tlamehang ho hlokomelwa ka thata.
Ke mariha, ho a bata mme e ka nna ya ba o lebeletse matshwao a ho kula a jwalo ka mokgohlane, empa o se nyahame!
hukung ya hao mme e tla o boloka o kwetlile o phetse hantle.
HIV naheng ena.
ya dianthiretrovaerale ho tla thusetsa majalefa ho phela maphelo a matle ba ntse ba na le HIV/AIDS.
Motho a ka tshwaetswa ka TB e tsohileng kapa e ipatileng. TB e tsohileng e bolela hore dikokwanahloko di a ikatisa mmeleng mme tsa baka bokudi. Batho ba nang le TB e tsohileng ba ka fetisetsa dikokwanahloko ho batho ba bang ka ho kgohlela kapa ho tshwela. TB e ipatileng e bolela hore mmele o atlehile ho kgina tshwaetso.
Batho ba bangata Afrika Borwa ba na le TB e ipatileng kamora hore ba kenelwe ke baktheria pele. Batho ba nang le mofuta ona wa TB ba ikutlwa ba phetse hantle, ha ba na matshwao a ho kula mme ba ke ke ba jala lefu lena ho batho ba bang.
AIDS, TB e ipatileng e ka tsoha. Batho ba tshwaeditsweng ke HIV ba kotsing ya ho ba le ditshwaetso tse ntjha tsa TB le ho tsosa TB e ipatileng, e tla mpefala kapele le ho jaleha kapele le ho feta mmeleng.
Matshwao a ho kula a atileng a TB a kenyeletsa: bohloko sefubeng, ho kgohlela ho sa feleng ho ntshang dikgohlela le ho fellwa ke moya nako ya dibeke tse pedi kapa ho feta. Matshwao ana a ka ba teng bathong bohle. Ditshupo tse atileng feela ekaba mokgathala o moholo o sa feleng, ho fufulelwa haholo bosiu le tahlehelo e kgolo e sa hlaloseheng ya boima ba mmele.
Ikopanye le ngaka ya hao: Ngaka ya hao e tla etsa tlhahlobo e feletseng mme e etse le tlhahlobo ya sekgohlela. Ka nako e nngwe seipone (X-ray) sa sefuba le/kapa diteko tsa madi di ka etswa ho fumana TB.
TB ka mefuta e meraro ya meriana e alafang TB e tla fanwa.
Meriana ya TB e tlameha ho nowa hantle ho latela melao e fanweng kapa ho seng jwalo ha e na ho sebetsa mme dikokwanahloko tsa TB di ka ba le matla a boitwanelo bo hlolang meriana.
lekgetlo la pele. Sena se bolela hore kalafo ya TB e tla sebetsa hanyane feela kapa e ka nna ya se sebetse ho hang. MDR-TB e bakwa ke kalafo e sa fellang kapa e kgaoletswang hobane meriana ya TB e ne e sa nowe ka nepo. Ka hona, ho hlokeha DOTS - ho netefatsa hore bakudi ba alafuwa mme tshwaetso e a thibelwa.
MDR-TB e boima le ho feta ho alafuwa mme e kenyeletsa kalafo ya nako e telele ho feta ka meriana e mmalwa, eo e meng ya yona e nang le ditlamorao tse mpe.
Meriana ya TB e ka fanwa mmoho le dianthiretrovaerale (di-ARV), empa ka tlwaelo dingaka di eletswa ho qala ho alafa TB pele ba qala ka kalafo ya dianthiretrovaerale (ART). Mofuta wa di-ARV tse sebediswang ha TB e le teng e ka fapana hobane meriana ya TB le di-ARV di ka sitisana mme tsa mpefatsa ditlamorao. Dingaka di rupetswe ho laola maemo ana. Ho bohlokwa hore ditekanyetso tsa kalafo di sebediswe mme kalafo e feletseng ya TB e qetwe.
lekgetlo la bobedi ya fokotswa ka tsela e kgolo.
HIV a ka bang kotsing ya tsona ke sesebediswa se matla sa ho dula o phetse hantle le ka tsela e molemo.
TB ke bokudi ba PMB, mme Morero o tla lefella tlhahlobo ya ho sheba lefu lena.
Dikamano dipakeng tsa bakudi le bafani ba ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo di tlameha ho thehwa hodima tshepano. Ho fihlela sena, ho na le sete ya melawana ya tshebetso le ya profeshenale eo bafani ba ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo ba e latelang.
Lefapha la Bophelo le thehile Tjhatha ya Ditokelo tsa Bakudi e o tsebisang, jwalo ka mokudi, mabapi le ditokelo le maikarabello a hao.
Batho bohle ba na le tokelo ya ho fuwa tlhahisoleseding e feletseng mme e nepahetseng mabapi le bokudi ba bona, mekgwatshebetso ya ho fumanwa ha wona, dikalafo tse kgothaletswang, dikotsi tse amanang le kalafo le ditjeho tse hlokehang, kotsi e amanang le kalafo le ditjeho tsa yona. Ke tokelo ya hao hore o kgone ho utlwisisa tlhahisoleseding ena.
Ke boikarabello ba mokudi ho hlokomela bophelo ba hae; ho fa bafani ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo tlhahisoleseding e nepahetseng; l botsa mabapi le ditjeho tse hlokehang tsa kalafo le/kapa tsa ho hlaphohelwa l hlophisetsa tefo.
Se ke wa tshaba ho botsa dipotso tse ngata ka moo o batlang ho mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo, ho netefatsa hore o a utlwisisa le hore o thabile mabapi le kalafo le ditjeho tse hlokehang. Sena ke tokelo le maikarabello a hao. Ho botsa dipotso pele kalafo e qala ho fokotsa ho se utlwisisane le kgatello ya mmele tse ka bang teng kamoso. Botsa hore na mofani wa tshebeletso wa hao a ka l dikgahla tsa tefiso tsa Morero kapa tjhe, mme haeba a re tjhe, o tla lefisa bokae ha e le hantle. sheba Temoso bakeng sa tlhahisoleseding e mabapi le dikgah tsa Morero. Fumana maikutlo a bobedi haeba o sa kgotsofala ka karabo eo o e fumanang.
Haeba o sa thaba mabapi le ditshebeletso tseo o di amohelang, buisana le mofani wa tlhokomelo ya bophelo ya amehang. Haeba taba eo e sa rarollwe, o na le tokelo ya ho tletleba le hore tletlebo ya hao e fuputswe, ho sa natswe hore na e mabapi le boitshwaro bo sa amoheleheng kapa ditefiso tse tlotseng meedi.
<fn>(712201042039 PM) Member newsletter Q2_SESOTHO_REVISED.txt</fn>
Mariha a fihlile mme re na le monyetla wa boitekolo, ho hlahlobisa le ho ntjhafatsa dintho. Leha phetoho e ka ba le makukuno, ntle le kgwao ke ntho e tletseng menyetla e meholo.
E nngwe ya diphetoho tse jwalo ke kgetho ya ditho tse ntjha tsa ditho tsa batshwaredi (trustees) ba GEMS. Nako ya ho ba ofising ya ditho tsa batshwaredi ba bararo ba kgethilweng ke ditho ba sebeditseng Morerong e fihla pheletsong mafelong a Phupu. Re lakatsa ho leboha Mong. Marthinus Brand, Mong. Adriaan van Wyk le Mof. Kgomotso Kgang bakeng sa tlatsetso ya bona e molemo eo ba e entseng le boikitlaetso boo ba bo bontshitseng ho netefatseng hore ditabatabelo tsa ditho tsohle tsa GEMS di sireletsehile ka dinako tsohle. Jwalo ka batshwaredi ba motheo ba morero wa tsa bongaka o moholo wa pulamadiboho, ba bapetse seabo sa motheo, e seng feela paleng ya GEMS, empa hape indastering ya tsa tlhokomelo ya bophelo kahara Afrika Borwa. Re nka monyetla ona hape ho leboha Mof. Vuyelwa Vumendlini bakeng sa seabo seo a se bapetseng jwalo ka Motlatsi wa Modulasetulo wa Boto. Mof. Vumendlini, ke motshwaredi ya kgethilweng ke mohiri, mme o tswa Botong ho ya qala mosebetsi o motjha jwalo ka Moeletsi e Moholo Bankeng ya Lefatshe e Amerika. Ha re amoheleng ka mofuthu batshwaredi ba batjha ba kgethilweng ba tla kena ofising ka Phupu 2010.
Ke mariha, ho a bata mme e ka nna ya ba o lebeletse matshwao a ho kula a jwalo ka mokgohlane, empa o se nyahame! O na le GEMS hukung ya hao mme e tla o boloka o kwetlile o phetse hantle.
Ha boitshireletso ba mmele bo senyeha ka lebaka la tshwaetso e jwalo ka HIV/ AIDS, TB e ipatileng e ka tsoha. Batho ba tshwaeditsweng ke HIV ba kotsing ya ho baleditshwaetsotsentjhatsaTBlehotsosaTBeipatileng, etlampefalakapelele ho jaleha kapele le ho feta mmeleng.
Meriana ya TB e tlameha ho nowa hantle ho latela melao e fanweng kapa ho seng jwalo ha e na ho sebetsa mme dikokwanahloko tsa TB di ka ba le matla a boitwanelo bo hlolang meriana.
MDR-TB e hlaha ha dikokwanahloko tsa TB di ba le boitwanelo kgahlanong le bonyane e mmedi ya meriana e tlwaelehileng e sebediswang ho alafa TB lekgetlo la pele. Sena se bolela hore kalafo ya TB e tla sebetsa hanyane feela kapa e ka nna ya se sebetse ho hang. MDR-TB e bakwa ke kalafo e sa fellang kapa e kgaoletswang hobane meriana ya TB e ne e sa nowe ka nepo. Ka hona, ho hlokeha DOTS - ho netefatsa hore bakudi ba alafuwa mme tshwaetso e a thibelwa.
MDR-TB e boima le ho feta ho alafuwa mme e kenyeletsa kalafo ya nako e telele ho feta ka meriana e mmalwa, eo e meng ya yona e nang le ditlamorao tse mpe.
Meriana ya TB e ka fanwa mmoho le dianthiretrovaerale (di-ARV), empa ka tlwaelo dingaka di eletswa ho qala ho alafa TB pele ba qala ka kalafo ya dianthiretrovaerale (ART). Mofuta wa di-ARV tse sebediswang ha TB e le teng e ka fapana hobane meriana ya TB le di-ARV di ka sitisana mme tsa mpefatsa ditlamorao. Dingaka di rupetswe ho laola maemo ana. Ho bohlokwa hore ditekanyetso tsa kalafo di sebediswe mme kalafo e feletseng ya TB e qetwe. Ka ho nwa di-ARV ka nepo ntle le ho tlowa ke ditekanyetso, palo ya CD4 bakuding ba nang le HIV e ka ntlafala mme kotsi ya ho tshwaetswa ke TB lekgetlo la bobedi ya fokotswa ka tsela e kgolo.
Ho tseba hore ke ditshwaetso dife tse nkang monyetla tseo motho ya nang le HIV a ka bang kotsing ya tsona ke sesebediswa se matla sa ho dula o phetse hantle le ka tsela e molemo.
TB ke bokudi ba PMB, mme Morero o tla lefella tlhahlobo ya ho sheba lefu lena. Leha ho le jwalo, o tlameha ho fumana kalafo ya hao ya TB ditsing tsa Mmuso.
Lefapha la Bophelo le thehile Tjhatha ya Ditokelo tsa Bakudi e o tsebisang, jwalo ka mokudi, mabapi le ditokelo le maikarabello a hao.
Batho bohle ba na le tokelo ya ho fuwa tlhahisoleseding e feletseng mme e nepahetseng mabapi le bokudi ba bona, mekgwatshebetso ya ho fumanwa ha wona, dikalafo tse kgothaletswang, dikotsi tse amanang le kalafo le ditjeho tse hlokehang, kotsi e amanang le kalafo le ditjeho tsa yona. Ke tokelo ya hao hore o kgone ho utlwisisa tlhahisoleseding ena.
Ke boikarabello ba mokudi ho hlokomela bophelo ba hae; ho fa bafani ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo tlhahisoleseding e nepahetseng; lbotsa mabapi le ditjeho tse hlokehang tsa kalafo le/kapa tsa ho hlaphohelwa lhlophisetsa tefo.
Se ke wa tshaba ho botsa dipotso tse ngata ka moo o batlang ho mofani wa hao wa tlhokomelo ya bophelo, ho netefatsa hore o a utlwisisa le hore o thabile mabapi le kalafo le ditjeho tse hlokehang. Sena ke tokelo le maikarabello a hao. Ho botsa dipotso pele kalafo e qala ho fokotsa ho se utlwisisane le kgatello ya mmele tse ka bang teng kamoso. Botsa hore na mofani wa tshebeletso wa hao a ka ldikgahla tsa tefiso tsa Morero kapa tjhe, mme haeba a re tjhe, o tla lefisa bokae ha e le hantle. (sheba Temoso bakeng sa tlhahisoleseding e mabapi le dikgahtsa Morero). Fumana maikutlo a bobedi haeba o sa kgotsofala ka karabo eo o e fumanang.
Hopola ho fumana tumello ya sethathong pele ho kamohelo sepetlele e mabapi le lefu la tswekere. Sena se ka etswa ke wena, ngaka ya hao kapa sepetlele. Ikopanye le rona mohaleng wa 0860 00 4367 bakeng sa kopo ya tumello yasethathong.
O qoba ditefiso tsa tlatsetso le ditefo tse etswang mmoho ha o etela mofani wa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo wa Netweke ya GEMS mme o fumana tlhokomelo ya boleng bo botle. Mofani wa netweke o tsebahala ha bonolo ka tsebiso ya Netweke ya GEMS diphapusing tsa hae tsa tshebetso.
Ditshebeletso tse fumanehang ka boikgethelo ho tswa ho mofani ya seng wa netweke, kantle ho maemo a tshohanyetso, di tla lefuwa feela ho fihlela moedi o fumanehang, mme kamora moo ha ho ditleleime tse tla lefuwa.
Haeba ngaka ya hao e akaretsang e se karolo ya Neteweke ya GEMS kapa haeba ho se na ngaka e netwekeng haufinyane le wena kahara sebaka sa 10km, ka kopo kopa ngaka ya hao ho ikopanya le rona ka tjhebo ya ho mo ngodisa Netwekeng ya rona ya bafani ba ditshebeletso. O ka ikopanya le rona ho 0860 00 4367 bakeng sa thuso.
Haeba o hloka ho bona specialist, o tla lokela ho ikopanya le ngaka ya hao e Netwekeng pele, mme ke yena ya tla o fetisetsa ho "specialist". Ngaka ya hao e akaretsang e tla etsa ditlhophiso tse hlokehang, a fumane tumello ya sethathong e hlokehang le ho o fa foromo ya phetisetso ho ngaka e kgethehileng "specialist". Haebaosafetisetswaho"specialist"kengakayahao, ponoyangakaya "specialist" e ke ke ya lefellwa mme o tla ikarabella bakeng sa ho lefa akhaonto eo.
Ho GEMS, sepheo sa rona ke ho fa lelapa la hao ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo tse tswileng matsoho, tse atlehileng mme tse o bolokelang ditjeho. Netweke ya GEMS e thusa ho etsa sena!
Leka hore o se thetse dintho tse haufi le wena ha o le dibakeng tse tlalang batho jwalo ka ditshepe tsa ho itshwareletsa kapa dieskhaleitara, pene kapa maose ya khomphutayamosebetsi-mmoho lewenayakgohlelang, jj.
Kgaotsa ho tsuba. Batho ba tsubang ba kotsing e kgolo ya ho ba le mathata a mokgohlane.
Boemo ba tshohanyetso bo tla baka hore o se kgone ho ipuela. Maemong a jwalo, o tla hloka nomoro ya motho ya ka letsetswang. Boloka dinomoro tsena e le 'ICE' (In Case of Emergency) selefounung ya hao hobane basebetsi ba tshohanyetso ba tla hlahloba kenyo ya hao ya tshohanyetso (ICE) founung ya hao mme ba fumane motho ya o tsebang. Ka kopo jwetsa batho bao o ba ngotseng jwalo ka ba ka tsebiswang maemong a tshohanyetso hore o ba ngotse jwalo founung ya hao. Etsa bonnete ba hore setho se seng le se seng sa lelapa la hao se tseba ho daela 0800444367, nomoro ya GEMS bakeng sa mofani wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bongakayakgethilweng, Netcare911,maemongatshohanyetso. Etsabonnetebahore selefounuyahao, dikhoenekapakareteyafounuya'prepaid'eafumanehabakengsa moreroona.
Haeba o ngodisa lesea la hao matsatsi a fetang 60 kamora hore le hlahe, lesea le tla ngodiswa ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi eo o entseng kopo ya ngodiso ka lona. Ditleleimetsapeleho letsatsilangodisodikeketsa lefuwa.
Karete ya hao ya botho e ka sebediswa ke wena feela le baphedisuwa ba hao ba ngodisitsweng. Ho nkuwa e le boqhekanyetsi ho fana ka karete ya hao ya botho ho mothoemonghoesebedisa.
<fn>(762010100721 AM) 1495 Final Gems Birthing Options_SESOTHO.txt</fn>
Ho fumana lesea e tla ba e nngwe ya diketsahalo tse putsang ka ho fetisisa empa e boima bophelong ba hao. Ka lehlakoreng le leng, o leb-eletse ho fihla ha mpho ya hao ya thabo e lebeletsweng ka thahasello e kgolo kamora dikgwedi tse robong. Leha ho le jwalo, ka lehlakoreng le leng o tla be o inahana mabapi le ho etsa bonnete ba hore ho tloha ha ngwana wa hao popelong ho kena lefatsheng lena ho etsahala ka makukuno a fokolang ka hohle ka moo ho kgonehang.
Ka ho tseba dikgetho tsa hao le ho ikopanya le mofani wa ditshebeletso tsa bophelo wa hao, o ka etsa qeto e nepahetseng bakeng sa hao le lesea la hao. Bophelo ba hao bo botle le boiketlo ka kakaretso, mmoho le ba lesea la hao le esong ho hlahe, e tla ba dintlha tse laolang bophara ba dikgetho tseo o nang le tsona. Etsa bonnete ba hore o utlwisisa se tla etsahala le hore menyetla le mathata ke dife mabapi le kgetho ya hao.
Mahlaba a ho pepa a tlwaelehileng a qala ka ho iketsa nakong e ka bang dibekeng tsa 37 ho fihla ho 42 tsa boimana.
Wena le lesea la hao le behwa leihlo nakong yohle ya ho ba mahlabeng ha hao mme basebetsi ba bongaka ba rupetsweng ba fumaneha haeba o ba le mathata.
Ho behwa leihlo ho feta tekanyo ho ka baka ho nkwa ha mehato ya bongaka e sa hlokeheng.
O ka nna wa batla ho kokobetswa maikutlo ke dintho tseo o di tlwaetseng nakong ena mme sepetlele ha se kamehla e leng sebaka se mofuthu mme se nang le kamohelo.
Ho pepela lapeng ke kgetho e bolokehileng, haeba boimana ba hao bo dutse e le bo tlwaelehileng, mopepisi wa hao o sebedisa thepa ya bopepisi ya sejwalejwale, e nkehang ha bobebe mme o kgona ho fihla lapeng la hao ka nako.
O sebakeng seo o se tlwaetseng, se phuthollang ha o pepa lesea la hao.
Haeba o ka ba le mathata, thuso eo o e fumanang e tla itshetleha hodima botsebi ba mooki kapa mopepisi le bonolo ba ho kgona ho fetisetswa sepetlele, haeba sena se ka hlokeha.
Sena ke mokgwa o tlwaelehileng wa ho pepa o etsahalang ka tlasa metsi mme o ka sebediswa ho kokobetsa bohloko ka nako ya ho pepa.
O ka itsamaela ha bonolo ka metsing.
Ho ka ba le kotsi ya tshwaetso ho wena le lesea la hao.
Lesea le hlaha ka lesoba le sehilweng mpeng le popelong. Ho ka boloka bophelo ba mme, empa ho hloka tshebetso e kgolo ya thipa le ho tsubiswa mme hape ho ka baka hore mme a be le mathata.
Ho Pepa ka Thipa ka Kgetho ho rerwa nakong ya boima-na ka lebaka la mathata a bongaka le bopepisi, haeba ho pepa ho tlwaelehileng ho nkwa ho ka ba kotsi ho lesea kapa mme wa lona.
Ho Pepa ka Thipa ka Tshohanyetso ho etswa ha mathata a hlaha ka nako ya ho pepa. Ka nako e nngwe, tlhokeho ya ho pepa ka thipa ha e bonahale ho fihlela nako ya ho pepa e se e qadile mme ka nako e nngwe bo-mme ba ikemisedit-seng ho pepa ka tsela e tlwaelehileng, ba ka hloka ho pepa ka thipa.
Ho pepa ha hao ho tswella ka tsela e seng ntle.
Qholo e le nyane haholo.
Ho otla ha pelo ya lesea, ho tla behwa leihlo ka motjhini wa elektroniki nakong yohle ya ho pepa, ho ka bontsha hore lesea le na le mathatha ka nako ya ho pepa.
Haeba lesea la hao le dutse kahara popelo ka tsela eo hlooho e leng hodimo mme maoto a le tlase (tulo ya "breech") qetel-long ya boimana ba hao, ho pepa ka thipa ke kgetho e nang le dikotsi tse fokolang.
Boimana ba masea a mmalwa j.k.
Maemong a mang, ho pepa ka thipa ho ka hlokeha.
Ho pepa ka thipa ke mokgwa o kgethwang wa ho pepa haeba mme a na le kokwanahloko ya HIV. Sena se fokotsa monyetla wa hore mme a ka fetisetsa kokwanahloko ya HIV leseeng.
Maemong a mangata, mokgwa o kgethwang wa ho pepa kamora ho pepa ka thipa nakong e fetileng ke ho pepa ka thipa hape.
Ena ke tshwaetso ya popelo e ka hlahang matsatsi a mane ho fihla ho a supileng kamora ho sebetswa ka thipa.
Ka tlwaelo ho alafuwa ka moriana o bakang hore popelo e honyele mme madi a emise ho tswa.
Ho pompelwa madi, ho sebetswa ka thipa, le maemong a hlahang ka sewelo ho ntshwa ha popelo, (ho tloswa ha popelo ka thipa) ho ka hlokeha.
Temalo senyeng kapa maleng e ka etsahala.
Boimana le ho pepiswa ka thipa ho ka baka kotsi ya ho ba le mahlwele maotong, e leng se tsejwang ka hore ke mahlwele a madi mothapong o tebileng "deep vein thrombosis" (DVT).
Kotsi ena e ka qojwa ka ho apara dikausu tse thibelang DVT ha o tsamaya, hanghang dihoreng tse 24, kamora ho pepa ka thipa.
Basadi ba kotsing ya ho ba le DVT ba ka fuwa moriana o hlapollang madi (moriana o sesefatsang madi) ho fokotsa kotsi ho bona.
O hloka ho ngodisa Lenaneong la Baimana hore o fihlelle dihlapiso tsa hao jwalo ka setho sa e nngwe ya dikgetho tse latelang tsa ditsiane tsa GEMS.
Kenyeletsa ditsiane tsa boimana letotong la dipetlele tsa poraefete tse kgethilweng.
<fn>(87200915213 PM) sesotho[1].txt</fn>
Ka mora dikgwedi tse 18 ke nako ya ho re re a leboha!
Ntjhafatso ya konteraka ya mosebetsi: Etsa bonnete hore tsohle tse lokelwang ho ngolwa fatshe di entswe!
Re se re le mahareng a selemo sa 2009 e leng hare ho nako ya mariha. Jwalo ka ha matsatsi a ba makgutshwane mme a bata, re tshepa hore re tla tlisa mofuthu le boiketlo ho wena ka phatlalatso ya bobedi ya Facets ya 2009.
Facets eo jwale e seng e na le tjhebahalo e ntjha e ile ya amohelwa ka mofuthu ke ditho, mme re tshepa hore le wena o tla fumana phatlalatso ena e le e qabolang, e kgahlisang hape e molemo.
Ha o nahana hore mesebetsi ya GEMS ke ho tsepamisa maikutlo ka botlalo tabeng ya ho boloka ditho tsa yona tse ka bang ka hodimo ho 350 000 di thabile mme di phetse hantle, ho a makatsa hore ke ha kae moo re abelanang dipale tsa bophelo tsa sebele - tseo hangata di bang le sephetho se monate - tsa ditho tsa rona. E nngwe ya dipale tse jwalo, ya Mzimasi Ngqelu ya ka moo a ileng a pholoswa lefung, e sa tswa fihla ofising ya rona moraonyana tjena. Bohle re ile ra angwa ke sephetho seo GEMS e ileng ya ba le sona bophelong ba Mzimasi. Nke ke ka senya pale ena ka ho le phetela tsohle mona, empa ha o ka phetla leqepheng le latelang o ka bala ka pale ena e nang le tshusumetso ya sebele.
Phatlalatsong ena re qala hape le ka tlhodisano ya ditho tsa rona, e leng Sisonke, e ileng ya susumelletswa ke boiphihlelo ba Mzimasi. Re o kgothaletsa hore o kenele tlhodisano hobane re rata ho utlwa ka moo GEMS e ileng ya thetsa bophelo ba hao ka teng.
Le ha re le halofong ya selemo sa 2009, re se re ntse re hlahisitse ditshebeletso tse mmalwa tse ntjha bakeng sa ditho. Phatlalatsong ena o tla bala ka Lenaneo la rona le ikgethang la Ho ya Beleha, le hlahisitsweng ka la 1 Motsheanong 2009, mme le fanang ka tshehetso, thuto le dikeletso ho baimana mohatong o mong le o mong wa boimana ba bona le ka mora ho beleha.
Re qadile le matsatsi a tekolo ya bophelo bo botle a GEMS, a tlisang ditshebeletso tsa ho lekolwa ha bophelo bo botle dibakeng tseo le sebetsang ho tsona. Tshebeletso e nngwe hape e hlahisitsweng phatlalatsong ena ke ya ho batlisisa ka dibenefiti tsa hao e leng SMS Benefit Lookout, eo ditho di kgothaletswang ho e sebedisa. Seo o lokelang ho se etsa feela hore o tsebe ke dibenefiti dife tseo o nang le tsona pele o ka tleleima, o romela SMS Sekiming sa hao se kgabane, mme re tla kgutla ho wena ka nako e ka etsang metsotswana feela re o nehe tlhahisoleseding eo o e hlokang.
E nngwe le e nngwe ya ditshebeletso tsena e hlaloswa ka botlalo koranteng ena - ka hoo etsa bonnete ba hore o bala ka yona. GEMS haesale e ntse e tswela pele le ho phehella ho fihlela bokgabane. Palo ya ditho e ntse e tswela pele ho hola mme ditho tsa rona di nkuwa le ho tshwarwa jwalo ka batho ba lokelwang ke ditshebeletso tse ntle ka ho fetisisa.
Ke tshepa hore o tla natefelwa ke phatlalatso ena ya Facets, ho fihlela nakong e tlang - dula o thabile mme o phetse hantle.
Bophelo ba Mong. Mzimasi Ngqelu bo ile ba fetoha ka botlalo haesale ka letsatsi leo a batlileng a hlokahala ka lona kotsing e neng e le mpe haholo ya koloi. Empa Ngqelu, Motlatsi wa Molaodi: Dikgokahano, Lefapheng la Kgwebo tsa Mmuso, eo e leng setho sa GEMS, ha a ka a hopola letsatsi leo jwalo ka ha a ne a sa tswa fumana tshupamolato ya ho qetela ya bongaka posong.
Ka potlako ke ile ka lemoha hore ke ne nke ke ka kgona ho lefa tjhelete eo e felletseng e etsang R180 000 ya tefelo ya sepetlele ho tswa pokothong ya ka," ho rialo Ngqelu. Boholo ba tjhelete eo GEMS e e lefileng bakeng sa tefelo ya sepetlele bo ile ba etsa bonnete ba hore ke fumane kalafo e ntle ka ho fetisisa ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang. Mme hoo ho pholositse bophelo ba ka." Ho bolela Ngqelu, ka lentswe le thothomelang.
Ka mora ho fumana tshupamolato ya ho qetela ke ile ka bona ho hlokeha ruri ho leboha GEMS bakeng sa thuso ya bona. "Ntlha ya hore ha ke na maqeba a ntseng a a setse ho nna ho tswa ketsahalong eo, hoo ke sehopotso sa letsatsi le letsatsi sa ka moo GEMS e ileng ya pholosa bophelo ba ka - mme tsena tsohle di etsahetse ke na le selemo se le seng feela ke le setho sa GEMS."
Letsatsi la kotsi, ka la 8 Phato 2007, maru a ne a kwetse mme ho bonahala hore ho na le pula ya sefefo e tlang. Ka mora mosebetsi o ile a kena ho Nissan Micra mme a kganna ho tloha Hatfield, Pretoria ho ya lapeng la hae le Centurion. O ne a qeta feela ho feta hukung ya Hofmeyer le Botha Avenues moo ho ileng ha hlaha koloi e tla e mathile ka lebelo e batla ho feta lebone le lekgubedu. O hopola feela modumo o moholo jwalo ka ha koloi e ne e otla lehlakoreng la mopalami. Ka morao, ho ile ha ba hotsho ho yena.
GEMS fenstereng ya koloi ya hae. "Ke ne ke sa tsebe hore setikara sena se tla pholosa bophelo ba ka ka le leng la matsatsi."
Ho thwe motho ya neng a eme moo o ile a letsetsa ba Netcare 911. Hannes Bosman, wa Netcare 911 o ile a tla le paramedic ya tshehetso ya bophelo ho tswa mane the Netcare Unitas Hospital, mme ba potlakela sebakeng seo kotsi e etsahetseng ho sona. Bosman o ntse a hopola kotsi eo hantle. "Pula e ile ya qala ho na ha re ntse re sokola ho lokolla Ngqelu ho malwang-lwahla ao a tshepe ao pejana a neng a tsejwa ka hore ke koloi ya hae. Hobane re ile ra bona setikara, re ile ra tseba hore re lokela ho mo isa sepetlele se haufi, mme re ke ke ra iswa hodimo le tlase jwalo ka ha ho etswa ka bakudi ba bang ba se nang sekimi sa bongaka." Ke Bosman eo.
Re motlotlo ho tsebisa hore bahlokomelwa jwale ba ka kgona ho fihlela Lenaneo le letjha la ho ya Beleha la GEMS. Lenaneo lena le kentswe tshebetsong ka la 1 Motsheanong 2009 mme le neha bahlokomelwa ba baimana tshehetso, thuto le dikeletso maemong ohle a boimana ba bona le nakong ya ka mora ho beleha.
Lenaneo lena le sebetsa jwang?
Lenaneo le okametswe ke di-case manager, e leng baoki ba ngodisitsweng ba nang le boiphihlelo le mangolo a mang ka hodimo a ho pepisa (midwifery). Bona ba tla o thusa ka tshebetso ya ngodiso mme o ka iteanya le bona nakong efe kapa efe ya boimana ba hao ho fumana dikeletso le tlhahisoleseding.
O tla fumana buka ya GEMS e mabapi le peleho le boimana, e fanang ka tlhahisoleseding ya bohlokwa ho bomme ba baimana.
Bomme ba tla fumana dipakana tsa dimpho tseo ba tla kgona ho di sebedisa ho tswa GEMS! Hona ho tla romelwa ho ditho tse seng di le mokgahlelong wa boraro wa boimana ba bona.
Bahlokomelwa ba fumana morero wa tlhokomelo wa motho ka seqo sa hae o hlalosang ka botlalo ditshebeletso tsa ho ya beleha tse seng di ananetswe ke GEMS.
O kgona ho fumana tlhahisoleseding ya bophelo e tla o thusa hore o etse qeto ka bophelo ba hao le boikgethelo ba ho beleha le ngaka kapa midwife ya hao.
Ho na le dikeletso le tshehetso eo o e fuwang ka mohala ha o na le mathata dibekeng tsa ho qala tse mmalwa tsa botswadi.
Ela hloko: Lenaneo lena ke mahala ho ditho mme le dibenefiti tse tlwaelehileng tsa ho ya beleha di ntse di sebetsa. Lenaneo le fana ka dibenefiti tse ngata ho ditho empa ha le nke sebaka sa dikeletso le tlhokomelo e utlwahalang ya bongaka eo ditho di e fumanang dingakeng tsa tsona.
Na ke hakae moo o neng o lokela ho lekola dibenefiti tsa sekimi sa hao sa bongaka ka potlako Re a tseba hore hangata hona ho potlakile mme re ile ra sebedisa dikelello tsa rona ho fumana tharollo?
Ho lekola dibenefiti tsa hao jwale ho se ho ka etswa ka potlako le ka ho romela feela SMS. Romela SMS ho GEMS ka mokgwa o boletsweng (sheba mona ka tlase) mme ka mora metsotswana feela o tla fumana karabo ka SMS e tiisetsang dibenefiti tse leng teng bakeng sa hao. Re kopa hore dikhoutu tse kgutshwane bakeng sa ditho tsa Sapphire le Beryl di fapane ho tsa ditho tsa Ruby, Emarald kapa Onyx. Hona ke tshibollo e nngwe hape ya GEMS ya ho tlisa tlhokomelo ya bophelo haufi le wena!
Romela feela SMS ya tlhahisoleseding e latelang ho 33489 SMS ka nngwe e bitsa R1.50: Mohato wa 1: Thaepa BenefitMohato wa 2: Thaepa nomoro ya hao ya botho ba GEMS. Mohato wa 3: Kgetha benefiti eo o batlang ho e lekola ho tswa mananeng a ka tlase ELA HLOKO: ke sehlopha se le seng feela sa benefiti se ka lekolwang ka SMS e le nngwe. Mohato wa 4: Thaepa khoutu e kgutshwane ho tswa mananeng a ka tlase. Mohato wa 5: Thaepa khoutu ya mohlokomelwa wa hao yona o ka e fumana ka morao karateng ya botho tlasa "Name", mohlala, 00, 01 jj.. Ha o le setho se ka sehloohong, thaepa "00". Mohato wa 6: Tobetsa send selfounung ya hao. Mohato wa 7: Leta metsotswana e mmalwa bakeng sa karabo ho tswa GEMS.
Ha molaetsa wa hao wa SMS o sa atleha, o tla fumana karabo ho tswa GEMS e leng e ho hlalosetsang hore lebaka ke lefe. O ka nna wa lokisa phoso e be o romela SMS e ntjha hore o fumane tlhahisoleseding eo o e hlokang. Bakeng sa dipatlisiso dife kapa dife, re kopa hore o iteanye le ba Call Centre ya GEMS ho 0860 00 4367.
GEMS e qadile ditshebeletso tsa tekolo ya bophelo bo botle bakeng sa mafapha, mme tsona di tla qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Motsheanong 2009. Ditho di tla una melemo ka monyetla o se nang tshitiso wa ho lekola ka mokgwa wa profeshenale dikotsi tse leng teng kapa tse ka bang teng tsa bophelo dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona. Sepheo sa rona ke ho etsa hore ditho tsa rona di kgone ho hlwaya dikotsi nako e sa le teng e le hore kgatelopele ya malwetse e ya thibelwa kapa e ya fokotswa.
Basebetsi ba mmuso bao ha jwale ba seng ditho tsa GEMS le bona ba tla kgona ho sebedisa tshebeletso ena e sa tlwaelehang.
Na ho etsahala eng ka letsatsi la tekolo ya bophelo bo botle?
Ka ho mengwa lefapheng la lona, diprofeshenale tsa tlhokomelo ya bophelo tsa GEMS di tla hloma sebaka sa diteko tsa bophelo bo botle lefapheng la lona. Basebetsi bohle ba leng moo ba tla kgona ho ya ka boithaopo tekolong ya bophelo bo botle letsatsi lohle.
Diprofeshenale tsa tlhokomelo ya bophelo di tla ba teng ho buisana le wena ka seqo ka histori ya bophelo ba hao le ho etsa diteko tsa tekolo ya bongaka. Ho tla buisanwa ka diphetho tsa diteko le histori ya bophelo le motho ka mong, mme a fuwe dikeletso tsa hore ke mehato efe e meng eo a ka e nkang.
Ka letsatsi la tekolo ya bophelo bo botle ya GEMS, basebetsi ha ba tlamehe ho etsa dipeeletso mosebetsi ka mong, hobane diprofeshenale tsa tlhokomelo ya bophelo di tla be di ba emetse sebakeng seo. Ba tla tshwanela feela ho ya moo! Ho sidollwa hlooho le molala ho tla etswa hape bakeng sa basebetsi bohle letsatsing leo jwalo ka molemo o mong o kgabane o tswang sekiming sa hao sa bongaka.
Basebetsi bohle ba tla ba le seabo ditekolong tsa bophelo bo botle ba tla fumana tlhahisoleseding e mabapi le dikotsi tsa bophelo ba bona ka seqo mmoho le mehato e lokelwang ho nkuwa bakeng sa ho thibela kapa ho fokotsa mathata a bophelo.
Ke diteko dife tsa bophelo bo botle tse tla etsuwang?
Basebetsi ba tla tshwanela ho tlatsa letoto la dipotso le bonolo le mabapi le histori ya bongaka, le tla neha profeshenale ya tlhokomelo ya bophelo ponelopele ya profaele ya kotsi ya bophelo pele ho etswa diteko.
Boima le bolelele, mmoho le karolo e kgolo ya mmele.
Letheka ho potoloha.
Karolong ya bobedi ya letoto la WEB SMART ya rona re o bolella haholwanyane ka karolo e sa tswa qalwa ya My Wellness ya webosaete ya GEMS, e ho nehang tlhahisoleseding yohle ya bophelo le dikeletso tseo o di hlokang. O na le phihlelo ya diathikele tse mabapi le bophelo bo botle le laeborari e batsi ya tsa bongaka mabapi le matshwao, maemo, mekgwatshebetso le meriana. O ka fumana sehlooho seo wena o ikgethelang sona ka ho sebedisa mokgwa wa rona o bonolo wa ho badisisa ka hloko. First Aid Centre e fana ka dikeletso tsa ka moo o ka nkang mohato ka potlako ha ho ka hlaha ketsahalo ya tshohanyetso ya bongaka. O ka ithuta le ho bona matshwao a tlhaselo ya lefu la pelo le ka moo o ka fanang ka thuso ya pele ka teng.
Latela feela ditaelo tsena tse bonolo bakeng sa ho fumana dikeletso tsa hao tsa bophelo bo botle.
DiKomiti tsa Sekini di etsa bonnete ba hore o ba le kgutso. Ka hodima di-Trustee tsa Boto ya Sekimi le sehlopha sa tsamaiso, ho na le dikomiti tse ding tsa Boto tse hlokomelang mosebetsi o etsuwang dikarolong tse fapaneng. Bona ba etsa mosebetsi wa bona ba ntse ba hopola ditabatabelo tsa hao. O ka ba le tiisetso ya hore sekimi sa hao sa bongaka se matsohong a batho ba nang le bokgoni.
Komiti ya TshebetsoE thusa Boto ya di-Trustee ho netefatsa hore ho ba le tshebetso e tsamayang hantle haholo ya Sekimi, jwalo ka pokello ya ditjhelete tsa botho, ditefelo tsa ditleleime le ho laola direkoto tsa ditho. Komiti ena hape e thusa Boto ya di-Trustee ka mosebetsi wa yona wa papatso le dikgokahano.
Boithaopo (Ex-Gratia) ditefelo tsa boithaopo, ke hore tefelo ya ditleleime tsa setho moo dibenefiti tse tlwalehileng di leng siyo. Ho sebediswa ditsela tse thata haholo ha komiti e kopana kgwedi le kgwedi ho ela hloko dikopo tse netsweng bakeng tsa ditefelo tsa ka boithaopo.
Bathahaselli ditabeng tsa Sekimi, ka ho netefatsa hore Sekimi ha se tlole molao ofe kapa ofe o ka amang tshebetso tsa sona. E lokela hape le ho etsa bonnete ba hore kgwebo ya Sekimi e ya hlwauwa mme e laolwa ka nepo le hore dikgahleho tsa bathahaselli bohle di sireletswa ka nepo.
Komiti ya Ditsekisano E ela hloko le ho okamela ka boikemelo tsekisano efe kapa efe eo Moofisiri ya ka Sehloohong a ka e romelang ho yona hore e e rarolle.
Ho bohlokwa hore ditho di nehe Sekimi dintlha tsa Boitsebiso (di-ID) tsa bahlokomelwa ba tsona. Re hloka tlhahisoleseding ena ho etsa bonnete ba hore re lefe ditleleime ka nepo le hore direkoto tsa ditho tsa rona ka mehla di felletse mme di kgema le dinako. Re kopa hore o re romele khopi kapa dikhopi tsa setifikeiti kapa ditifikeiti kapa tokomane/ditokomane tsa ID tsa bahlokomelwa ba hao ka ho di romela ka poso ho Premium Management, Private Bag X782, Cape Town 8000; ka ho di romela ka fekse ho 0861 00 4367; kapa ka ho romela e-meile ho enquiries@gems.gov.
Ha o le konterakeng ya mosebetsi ya nakwana, ya nako e behuweng kapa e tswelang pele ditshebeletsong tsa mmuso ho bohlokwa hore ho etswe mosebetsi wa ho tlatsa dipampiri o hlokehang ha ho ntjhafatswa konteraka ya hao le hore hona ho kengwe lenaneng la mokgwatshebetso wa ho lefa meputso.
GEMS e ke ke ya kgona ho bokella tjhelete e lokelwang ho kengwa ke wena sekiming sa hao sa bongaka.
Ha o belaela hore ho na le ketso efe kapa efe ya boqhekanyetsi, iteanye le ba GEMS hotline, e tsamaiswang ke KPMG. O se ke wa tshaba ho tlaleha eng kapa eng e sa yeng ka tsela e tshwanetseng ho hotline, hobane yona ke tshebeletso e ikemetseng hape e sa hlahiseng lebitso la motho. Mohala wa mahala wa hotline o butswe bakeng sa dihora tse 24 ka letsatsi, le matsatsi a supileng ka beke. Etsa ntho e nepahetseng!
Letsa 0800 21 2202 (mahala).
O ka nna wa se hlahise lebitso la hao. Fana ka dintlha tse felletseng tse mabapi le ketsahalo ho oporeitara wa mehala. Dintlha tse jwalo di ka kenyelletsa: mang, eng, jwang, kae, neng le boholo ba ketsahalo.
O tla fuwa nomoro ya referense. E boloke hobane o ka e hloka nakong e tlang.
ho hanelwa ha ditleleime bakeng sa ditshenyehelo tsa hao tsa bongaka.
Ha ho ntjhafatswa konteraka ya hao, o lokela ho fumana tiisetso ho tswa lekaleng la basebetsi (HR) e leng ya hore lenane la tefo ya basebetsi le lokisitswe hore botho ba hao ba GEMS bo tswele pele ntle le tshitiso.
Nako ya mehato ena yohle ke ya bohlokwa haholo mme o lokela ho bua le ejente ya GEMS ha o na le mathata afe kapa afe.
GEMS e bokella tjhelete ya sekimi sa bongaka kgwedi le kgwedi ka ho e hula meputsong, mme hona ho etsuwa ka lenane la basebetsi la ho lefa moputso (hangata, ka Persal).
Ha tjhelete eo o e lefang kgwedi le kgwedi e sa leshwa ka botlalo (ke hore, ha ho na le tefelo e salletseng morao), GEMS e ka bokella hape le yona palo eo e salletseng morao ka ho e hula moputsong ka mokgwa wa elektroniki. Tjhelete e hulwang e tswa jwalo ka mokgwa wa othomatiki ntle le hore wena o etse eng kapa eng. Le ha ho le jwalo, hang feela ha tjhelete eo o e lefang e sa leshwa bakeng sa dikgwedi tse tharo, ha re kgone ho e hula ka mokgwa wa othomatiki ka elektroniki, hobane lenane la tefo ya meputso ya Tshebeletso ya Friends of GEMS, e etsang hore o kgone ho batla moabi wa tlhokomelo ya bophelo ya sa bitseng tjhelete e ngata motsetoropong wa heno ka ho romela SMS feela, jwale e se e ntlafaditswe! Haebe ha ho na moabi wa tlhokomelo ya bophelo motsetoropong ya heno, tshebeletso ena e tla be e se e ntse e batlisisa hore ke ofe ya haufi le moo o leng teng. Etsa kopo e be rona re batlisisa lebitsong la hao.
Na o batla jwang moabi wa tlhokomelo ya bophelo ka ho sebedisa Friends of GEMS O romela feela SMS ho 33489 ka mokgwa o latelang: Nomoro ya hao ya botho, tlhaloso ya moabi wa tlhokomelo ya bophelo, motsetoropo le toropo?
O tla fumana karabo ka potlako, e tla fana ka dintlha tsa baabi ba tlhokomelo ya bophelo tikolohong ya lona. Letsetsa Call Centre ya GEMS ho 0860 00 4367 kapa kena webosaeteng ha o batla tlhahisolesedi e eketsehileng. SMS ka nngwe e bitsa R1.50.
basebetsi ha le dumelle hona.
Seo o lokelang ho se etsa ha o na le tjhelete eo o e kolotang GEMS bakeng sa dikgwedi tse ka hodimo ho tse tharo: Kopa ba lekala la lona la basebetsi ho hlophisa ho hulwa ka letsoho ho tswa moputsong wa hao bakeng sa ho lefa tjhelete eo e salletseng morao. O ka letsetsa hape le Call Centre ya GEMS ho 0860 00 4367 mme o kope lengolo la 0189, leo o ka le isang ho ba lekala la lona la basebetsi. Lengolo la 0189 le tla hlalosa se lokelwang ho etsuwa.
HOPOLA: Ha tjhelete e kengwang ke wena e sa leshwa ka botlalo hoo ho ka baka hore dibenefiti tsa hao di emiswe mme ho ka etsa le hore ditleleime tsa hao di hanelwe.
Re rata ho le tsebisa hore Sekimi se tsamaisa diketsahalo tse ngata tse fapaneng nako le nako bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba sona ho baamohedi ba dibenefiti.
Ha jwale re ntse re tsamaisa projeke e ntseng e lekwa le sehlopha sa dingaka tsa di-specialist (tse nang le botsebi bo ikgethang) mane KwaZulu-Natal. Sepheo sa hona ke ho hlwaya le ho fumana ditharollo tse sa bitseng haholo e le ho tabeng ya ho shebana le ditjeo tse hodimo haholo tse amanang le ho robatswa sepetlele, mme hona ho etsuwe ka ho fana ka ditlhapiso tse lekaneng ho dingaka bakeng sa ho fana ka ditshebeletso tse amohelehileng tsa bongaka.
Ha o ya ho e nngwe ya di-specialist tse nang le seabo projekeng ena e ntseng e lekwa, yona e tla ho bolela ka seabo sa yona projekeng pele e ka fana ka tshebeletso ho wena kapa bao ba leng tlhokomelong ya hao.
tshehetso le dikeletso tsa ho thoba maikutlo ka mohala ho ditho tsohle tsa GEMS. Haebe wena kapa e mong wa lelapa la hao a hloka keletso kapa Ha o ka robatswa sepetlele sa Medi-Clinic, re kopa hore o lekole le Sekimi thuso efe kapa efe, re kopa hore o iteanye le ba Aid for AIDS ho 0860 100 hore na o na le dibenefiti tse lekaneng bakeng sa hoo.
Baeletsi ba rona ba rupelletsweng ba teng ho o thusa mme mohala wa boletse hore ba ka kopa ditho tsa GEMS hore di lefe karolo e itseng le hao o tla bolokwa e le sephiri.tsona, e leng ho tsejwang ka co-payment.
<fn>08022215151005.txt</fn>
Ntumelleng kgetlong lena le etelletseng pele la ho qetela la Tulo e Kopanetsweng ya Palamente ya boraro bakeng sa ditherisano tsa selemo tse mabapi le boemo ba naha ya habo rona, ho lakaletsa Ditho tsohle tse hlomphehang tsa Palamente Selemo se setjha sa thabo le katleho.
Ke na le tshepo ya hore 2008 e tla ba se seng sa dilemo tsa bohlokwa haholo demokerasing ya rona, jwalo ka ha re tla sebetsa mmoho ho fihlela ditabatabelo tsa bohlokwa tsa batho ba habo rona hore ho tle ho fihlelwe bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle. Ke bolela hona hobane ha se hangata ho etswang boipiletso setjhabeng hore se sebedise mesifa ya mmele ya sona kaofela hore se fihlele toro e itseng. Mme ena ke taelo eo re e rwesitsweng ke nalane ya habo rona kajeno.
Mme Sepikara, ke bua mona kajeno, ka pela mme wa ka, Epainette Mbeki, ya tlileng ho tla re neha molaetsa wa bohlokwa ho tswa bathong ba mahaeng ba Transkei, bao a phetseng le bona nako e telele. Yena o re batho bana ba rata ho tseba, ho tswa ho rona bao ba ipitsang baetapele ba bona, hore jwalo ka ha re ba bolella bona mmoho le ba bang ba tshwanang le bona ba leng nqeng tse ding tsa naha ya habo rona, hore na re ntse re ikemiseditse ho phethahatsa boitlamo boo re ileng ra bo etsa ba hore bokamoso bo tla ba botle ho feta kajeno. Matsatsing a robedi a tlang, ka la 16 Hlakola, o tla be a etsa dilemo tse 92 boholo. Seo a se lebelletseng jwalo ka mpho ya hae ya letsatsi la tswalo ke nnete. Ke a mo leboha ka ho ikgathatsa ho tla mona ho tla ba le rona kajeno, mme ke tshepa hore re ke ke ra mo nyahamisa.
Ke rata hape ho nka sebaka sena bakeng sa ho tlotla Moporesidente Nelson Mandela, e mong wa bahale ba ileng ba re etella pele demokerasing ya rona, ya tla beng a keteka letsatsi la hae la tswalo la dilemo tse 90 ka la 18 Phupu selemong sena.
Hape re amohela hara rona Mong. Arthur Margeman, eo mmoho le Nelson Mandela a neng a le karolo ya letsholo la ho ngala dibese tsa Alexandra dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng. Hape re lehlohonolo hore hara rona mona be re na le Mof. Jann Turner, eo e leng moradi wa Rick Turner ya bolailweng ke bahlanka ba mmuso wa aparteite dilemong tse 30 tse fetileng.
Hape re thabela le hore hara rona re na le Mong. Dinilesizwe Sobukwe, mora wa Robert Sobukwe ya neng a rata naha ya habo bona e bile e le moetapele, mme yena o hlokahetse dilemong tse 30 tse fetileng ka mora ho kwallwa dilemo tse ngata tjhankaneng, a thibetswe ka molao le ka mora ho feta tlasa mekgwa e mengata e fapaneng ya kgatello. Hape re amohela hara rona le Ditho tse Hlomphehang le baeti ba rona, bathei ba bangata ba United Democratic Front, dilemong tse 25 tse fetileng.
Kaofela ha bona baeti bana ba hlomphehang, ba emetseng mehopolo e fetileng le tshepo, ba re hopotsa hore re mo lebelong la ho neelana, la ho tswalwa ka botjha ka mokgwa o tswelang pele e le hore toro ya hore bohle re fihlele bophelo bo botle e be ya Maafrika Borwa ohle. Nnete ke hore ba emetse moya wa batho ba heso o hanang ho hatellwa, le teng ba re phephetsa hore bohle re sebetse ka tsela e ke keng ya ba eka kapa ya nyahamisa ditebello tsa batho.
E se neng re tla be re qeta selemo sa ditjhelete sa palamente ya ha jwale ya demokerasi ya boraro, mme haufinyane ka mora moo re tla tshwara Dikgetho tse akaretsang tsa bone. Ka hoo mmuso o lekotse botjha sebaka seo re se tsamaileng mabapi le ho kenya tshebetsong thomo ya rona eo re e fuweng ke batho ka 2004.
Ke motlotlo ho bolela hore ka nnete ho hongata hoo re ho entseng bakeng sa ho kenya tshebetsong boitlamo boo re bo entseng bathong ka 2004. Le he ho le jwalo, mme e seng ka tsela e neng e sa lebellwa, ho hlakile hore re sa na le mosebetsi o salletseng morao o lokelwang ho etswa mabapi le hona.
Ka ha re lebile bofelong ba nako ya thomo ya rona, Mmuso o entse qeto ya hore o tshwanetse ho hlwaya sehlopha sa Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng oo o lokelang ho tsepamisa maikutlo ho tsona ka mokgwa o ikgethang, o sebedisa hona jwalo ka mokgwa o tla thusa ho potlakisa kgatelopele hore ho fihlelwe maikemisetso ao batho ba re rommeng ho a phethahatsa.
Se kgahlisang, ke hore Puo e mabapi le Maemo a Naha e entse hore ke kgone ho tlalehela Palamente le setjhaba ka Dintho tsa rona tse 24 tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng tseo, Ditho tse Hlomphehang di ka di fumanang websaeteng ya Mmuso hara beke ena.
Ho hlwauwa ha Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng ho bolela hore ditshiya tsohle tse tharo tsa mmuso, e leng mmuso wa naha, wa diprovense le ya selehae, maemong ka bobedi a phethahatso le tsamaiso, mona a etsa boitlamo bo matla ba hore a tla sebedisa nako e kgutshwane e re nang le yona ho matlafatsa kgatelopele ya rona hore re tle re fihlele sepheo sa bohlokwa sa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle.
Ka hoo mokgwa ohle wa puso o etsa boitlamo ba hore nakong ena e setseng, o tla etsa ka hohle ho matleng a ona ho phethahatsa boitlamo bona - ba ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang! Re bua ka Ho etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang re sa kenye diphetoho dife kapa dife manong a rona a tlwaelehileng, empa mabapi le mokgwa o potlakileng, o sebetsang hantle haholo wa ho kenya maano le mananeo ana tshebetsong e le hore maphelo a batho ba heso a fetoha ho ba a ntlafetseng, mme hona ho etsahale ka potlako ntlele tshenyo ya nako.
Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore hona ho a etsahala; re nkile mehato e hlokehang ho tiisetsa hore Bajete ya selemo le Selemo eo Letona la Ditjhelete le tla e teka ha morao kgweding ena e etsa dikabo tse hlokehang bakeng sa ho re neha mokgwa wa ho kenya tshebetsong Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng.
hoo tiisa hape le mmuso hore o kgone ho ikarabela mabapi le ntshetsopele tsa bohlokwa tsa rona; le ho ntshetsa pele mosebetsi wa rona mabapi le mokgwa wa dikamano tsa matjhaba, ho tsepamisitswe maikutlo haholo ditabeng tsa Afrika le dikamanong tsa ka Borwa bo kenelletseng.
Nakong ena, boemo boo re tobaneng le bona jwalo ka setjhaba le naha, le mesebetsi eo re ipehetseng yona, e re laela hore re be le tshusumetso le ho hlophisa batho ba habo rona hore ba sebetse mmoho ba le ngatana, ba etse dintho tsohle tse lokelwang ho etsuwa, ba na le kutlwisiso ya hore bokamoso ba rona bo matsohong a rona!
Ha re ntse re sebetsa mmoho kae kapa kae naheng ya habo rona, re lokela ho utlwisisa hape hore re lokela - Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang!
Jwalo ka ha ke ne ke ngolwa Puo ena, e mong hara rona o itse ho foka meya e matla ka hara naha e leng e etsang hore motho a se ke a ba le bonnete ba hore naho e tla be e eme hokae ka moso.
E ne e le dinako tse monate hape e ne e le nako tse mpe, e ne e le nako ya bohlale hape e le nako ya bothoto bo boholo, e ne e le nako ya tshepo hape e le nako ya ho hloka tumelo, e ne e le sehla sa Kganya hape e ne e le sehla sa Lefifi, e ne e selemo sa tshepo, hape le mariha a ho lahlehelwa ke tshepo, re ne re na le tsohle, hape re ne re hlolwa ke tsohle, bohle re ne re ya Lehodimong, bohle re ne re ya ka nnqeng e nngwe ka bokgutshwane, nako e ne e tshwana le hona jwale, empa bao ba neng ba le baemedi ba nako ena ba ne ba re e amohelwe ka moo e leng ka teng, ha re bapisa feela
Le ka mpotsa hore na ke dumellana le polelo ena, ya hore na le nna ke dumela hore re kene nakong ya moferefere, moo bohle re iphumanang re lahlehelwa ke tsela, re hata ka ho tshaba, re hloleha tiya mangweleng, re tshaba bokamoso!
Karabo ya ka ke Tjhe! Jwalo ka bohle ba leng mmusong wa rona ke a kgolwa hore metheo eo re e hlommeng dilemong tse 14 tse fetileng e ntse e le teng. E ntse e tswela pele ho re neha motheo o matla e etsang hore re kgone ho tswela pele ka ho phehella ho fihlela maikemisetso a rona a bophelo bo ntlafetseng bakeng sa batho ba habo rona bohle. Ka hoo bohle re tshwanetse ho dumela hore re tseleng e tshwanetseng jwalo ka ha re tswela pele ho etsa hore setjhaba sa habo rona e be sa bahlodi.
Le ha ho le jwalo, jwalo ka Ditho tsohle tse hlomphehang, ke a tseba hore ba bangata hara naha ya habo rona ba tshwenyehile haholo kahore na naha ya rona e tla e le hokae ka moso.
Ba tshwenngwa ke maemo a tshohanyetso ao naha e iphumanang ka hara ona ka baka la ho kgaoha ha phepelo ya motlakase ho sa lebellwa.
Ba tshwenngwa ke diketsahalo tse itseng ka hara ikonomi ya rona, haholoholo keketseho e ya sekgahla sa tswala ka mokgwa o tshwanang, ditheko tsa dijo le mafura a makoloi, tse bakang bofuma le ho feta haholoholo ho mafutsana. Ba bang hara bona ba tshwenngwa ke sephetho se ka bang teng ikonoming ya habo rona sa ka tshoso ya ho theoha ha ikonomi mane United States.
Ba ipotsisa hore a na re tla kgona ho sireletsa demokerasi ya rona le Molao wa rona wa Motheo tseo re di lwanetseng ka ho etsa dihlabelo tse kgolo. Ho tshwenyeha hona ho bakwa ke diketsahalo tsa ho qoswa ha Mokhomishenara wa naha wa Mapolesa, ho emiswa mosebetsing ha Molaodi wa Naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba, tshabo ya tshoso ya ho ikemela ha tshebetso tsa toka le tshebediso ya molao, le menyenyetsi e mabapi le ho sebdiswa ka tsela e sa lokang ha matla bakeng sa merero ya dipolotiki.
Le ha ba dumela hore mokgatlo o busang o na le tokelo ya ho laola ditaba tsa ona, ba tshwenngwa ke hore o tshwanetse ho tswela pele ho ba le seabo sa ona jwalo o mong wa bathehi ba baholo ba Afrika Borwa ya demokerasi, e se nang kgethollo ya borabe, e se nang kgethollo ya bong hape ya katleho.
Ho hlakile hore re tla be re hloka boikarabelo ha re ka qhella ka thoko hona le matshwenyeho a mang kapa ra a qhala feela jwalo ka bao ba hlokang tshepo. Phephetso ya sebele ke ya ho arabela dinthong tsena ka tsela e tla fetisetsa molaetsa ho bohle naheng ya habo rona le ho dimiliyone tsa batho ba Afrika le nqeng tse ding lefatsheng bao ba shebileng naha ya rona ka kgahleho, hore re dule re le tiile maikemisetsong a rona a ho haha mofuta wa Afrika Borwa e fanang ka tshepo e seng feela ho batho ba habo rona, empa hape le ho ba bang ba bangata ba dinaheng tse ka ntle.
Ka hoo e re ke bue ka ho ikotla sefuba ke re nako ena ya bohlokwa setshabeng sa heso e batla hore re kopane le ho feta pele mme re sebedise mosifa o mong le o mong wa mmele wa rona ka kopanelo hore re tle re sebetsane le diphephetso tse re tobileng mmoho re tle re kgone ho fihlela toro ya rona eo re batlang ho e fihlela ya ho aha Afrika Borwa e bonahalang ka Molao wa yona wa Motheo.
Maemo a tshohanyetso a bakwang ke ho kgaoha ha phepelo ya motlakase a re neha phephetso le monyetla re le setjhaba kaofela hore re arabele boipiletsong bo entsweng ho rona bohle ba hore re kopane ho tseo re di etsang hore re tle re boloke naha ya rona e ntse e le motjheng. Hona ho lokela ho re bontsha bohle hore ka nnete re nakong ya diphephetso, empa ke diphephetso tseo re ka sebetsanang le tsona ka katleho. Mme hobane e le nako ya diphephetso, tsona di tla re neha le menyetla!
Jwalo ka ha Ditho tse hlomphehang di tseba, ke yena eo: Ha ke bone mathata a phepelo ya motlakase e le koduwa. Mme Afrika Borwa ha e nngwe feela moo: ho na le mathata le mathata a phepelo ya motlakase mabapi le diprojeke tsa rona tsa katoloso le mane Chile le Brazil.
Ke nnete, mathata ona ke a maholo: ho a rarolla ho tla hloka bohlale, haholoholo mabapi le ho sebedisa eneji le ho baballa eneji, ekasitana le ho hlahisa phepelo tse ding tsa motlakase. Empa ha bohle re ka ba le tshebedisano e matla ho shebana le boemo bona, bohle re tla atleha - ra ntswa ntweng re se na maqeba Ena ha se nako ya ho supana ka menwana, empa ke ya ho sebetsa mmoho ho fumana ditharollo
Le ha ho le jwalo, ho a hlokeha hore re nke monyetla ona hore re kope tshwarelo re le Mmuso le Eskom bakeng sa maemo a tshohanyetso a aparetseng naha ya habo rona moo re iphumana re lokela ho fokotsa tshebediso ya motlakase.
Mme ke rata ho leboha hape le baahi bohle ba naha ka ho kgona ho fetoha le maemo mme ba tobane le maemo a ha jwale a boima.
Dibekeng tse pedi tse fetileng, Matona a Diminerale le Eneji le Dikgwebo tsa Mmuso are hlaloseditse le mofuta wa mathata ao re kopaneng le ona le mehato eo rona re ka e nkang ho busetsa boemo setlwaeding. Bekeng e fetileng Ditho tse hlomphehang di bile le monyetla wa ho nahana ka ditaba tsena.
Nnete ke hore keketseho ya ho batleha ha motlakase e feta palo ya motlakase oo re o ekeditseng dilemong tse pedi tse fetileng. Phepelo ya motlakase e patisaneng e etsa hore o be kotsing ha ho ka ba le tseo di o sitisang hanyenyane. Boemong bona, re tshwanetse ho fokotsa ho kgaoha ha motlakase ka tsela e sa lebellwang mme tsela e nngwe feela ya ho etsa hona, yona ke ya ho fokotsa tshebediso ya rona hore re dule re na le motlakase o bonahalang.
Jwalo ka mmuso mosebetsi wa rona ha jwale ke ho etella pele le ho kopanya naha letsholong la tshebediso e ntle ya eneji e tla rarolla phephetso ena. Hara tse ding, re lokela ho sebedisa bothata ba ha jwale ho etsa bonnete ba hore malapa a rona mmoho le ikonomi di kgona ho boloka eneji haholo.
Ho na le diketsahalo tse bonahalang tseo motho ka mong, malapa le kgwebo ba ka di etsang. Tsona di phatlalatswa ke Lefapha la Diminerale le Eneji mme re tla amohela ditshisinyo dife kapa dife tse ding tseo lona, baahi ba naha ya habo rona, le ka re nehang tsona mme re abelane ka tsona.
Mmuso o tla qala ho kenya tshebetsong letsholo la ho netefatsa hore ho sebediswa mabone baballang motlakase, ho futhumatswa metsi ka matla a letsatsi le ho laola motlakase o sebediswang ke digisara ka matlong, ho kenyelletswa le ho beha maemo a amohelehileng bakeng sa matlo ohle a matjha a sa tswa hahuwa. Re ipiletsa ho malapa a kgonang ho etsa nka mehato eo a ka e kgonang ka potlako hore ho baballwe motlakase.
Ho fanwe ka taelo ya hore meaho ya mmuso kaofela e fokotse tshebediso ya yona ya motlakase mme ke kopa hore le be le bolokolohi ba ho hlahisa mabitso a bao ba sa etseng jwalo.
Dintlha ka botlalo tsa mehato e meng ya boithaopo le e tlamang Lenaneong la Paballo ya Motlakase di se di hlalositswe ke Matona mme tsona di tla hlakiswa ka therisano le bathahaselli ba fapaneng e be di a phatlalatswa.
Ka lehlakoreng la phepelo ya motlakase, Eskom e sebetsa ka matla ho netefatsa hore ho ba le diprojeke tse ding tsa ho thusa ho fehla motlakase ka pejana. Re nka mehato ya ho ntlafatsa bokgoni ba Eskom. Re na le dihlopha tsa mosebetsi tsa tshohanyetso tse sebetsanang phephetso ya boleng ba mashala le phepelo ho tswa indastering ya merafo ya mashala mme re ntse re sebeletsa ho potlakisa kananelo ya kaho ya diprojeke tsa ho fehla motlakase tsa kgase. Mehato ena yohle, e nkuweng mmoho le ya paballo ya motlakase, e tla ntlafatsa phepelo e tshepahalang mme e eketse le palo ya o tla bolokwa.
Mosebetsi wa Eskom wa ho aha diteishene tsa ho fehla motlakase, mekgwa ya ho tsamaisa motlakase le bokgoni ba ho o aba, o tla tswela pele, mme moo ho kgonehang, diprojeke di tla potlakiswa. Hape, ke tla rata ho leboha mokga wa poraefete ka ho ikemisetsa ho thusa ka moo o ka kgonang. Kopanong e bileng teng le Modulasetulo wa General Electric bekeng e fetileng, modulasetulo o itse khampani e ka thusa ho hlahisa dikarolwana tse itseng ha ho ahwa diteishene tsa motlakase. Mona Afrika Borwa, dikhampani tse kgolo tse jwalo ka Sasol, Anglo le BHP Billiton di ntse di tshwere ditherisano tse bonahalang le Lefapha la Diminerale le Eneji le la Dikgwebo tsa Mmuso hore ho fumanwe ditsela tse sebetsang mabapi le tlhokeho ya phepelo ya motlakase. Tshebetsong ena ha re a tshwanela ho supana ka menwana.
Ke rata ho leboha indasteri ya merafo ka tsela eo ba re thusitseng ka yona rona mmoho le ikonomi ka ho rarolla bothata ba sebele bo neng bo re hlahetse ka la 24 Pherekgong. Bohle re tla sebeletsa ho fokotsa ditlamorao tse seng ntle tseo diketsahalo tsena di bileng le tsona indastering.
Ho sebetsa jwalo ka sehlopha le ho rerisana ke karolo e kgolo ya karabelo boemong ba tshohanyetso. Dihlopha tsa tshebetso ha jwale di ntse di sebetsa dikarolong tse ngata. Bekeng e tlang Ditonakgolo tsa diprovense di tla kopana le Bomajoro hore ho lekwe ho phethahatswa mehato ya ho baballa motlakase ho Bomasepala bohle naheng ka bophara. Bona ba tla tshehetsa dihlopha tsa botekgeniki ho tswa EDI Holdings, Eskom le Energy Efficiency Agency. Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae le tla ba le boikarabelo ba ho hokahanya dikopano tsena mme ba tshehetswa ke Mafapha a rweleng boikarabelo a Diminerale le Eneji le la Dikgwebo tsa Mmuso.
Ke tlilo bitsa kopano ya Dihlopha tsa Mosebetsi tsa Moporesidente mme ke tla re ho se neng ke tla tsebisa "Sehlopha sa Bomampodi ba Eneji" se tla boptjwa ka batho ba Afrika Borwa ba tsebahalang haholo ba tla thusa mmuso ka letsholo la ho baballa motlakase le ho tsebisa babeeletsi le merabe ka boemo ba sebele le ka moo ba ka thusang ho rarolla diphephetso tsa rona tsa ha jwale.
Letona la Ditjhelete le tla fana ka lesedi le eketsehileng puong ya lona ya Bajete mabapi le tshehetso eo mmuso o tla fana ka yona letsholong la tshebediso ya motlakase hantle le ho Eskom ha e ntse e haha diteishene tse ntjha.
Re tobane le maemo a tshohanyetso empa ona re ka a fenya ka nako e kgutshwane. Boemo bona bo hlakisa ntlha ya hore nakong ela ya motlakase o mongata o neng o sa je tjhelete e ngata e fetile. Empa hobane re beeleditse haholo diteisheneng tse ngata tsa motlakase re tla dula re etelletse pele kabong ya motlakase ka mokgwa oo batho ba ka kgonang ho o lefella.
Re ikonomi e nang le mehlodi ya thuso ya diminerale. Ka hoo re lokela ho tswela pele ho tshehetsa indasteri ya merafo. Ho hlakile hore ha re batla ho tswela pele tseleng ya rona ya kgolo jwalo ka naha ya bahlahisi, re lokela hape le ho tswela pele re tshehetse indasteri ya dihlahiswa. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore dikgwebo tsohle di baballe motlakase. Nnete ke hore ho boloka eneji ho tla re neha menyetla e meng ikonoming.
Ka hoo ha re sebediseng maemo ana a tshohanyetso ho lokisetsa motheo wa bokamoso boo re bo hlokang ba ho baballa eneji. Ha re etseng bonnete ba hore re sebetsa mmoho ho sebetsana le mathata a re aparetseng, re susumetswa ke mokgwatshebetso wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang!
Ona ke mokgwa oo re lokelang ho o bontsha ha re ntse re lokisetsa dipapadi tsa FIFA Confederation Cup ka 2009 mmoho le dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA ka 2010, tse tla tshwarelwa mona naheng ya habo rona matsatsing a 854 ho tloha kajeno. Ke bua ka taba ena ya bohlokwa mona hobane diphephetso tsa ha jwale tseo re tobaneng le tsona di entse hore ba bang kaekae lefatsheng ba botse hore na re tla kgona ho tshwara dithonamente tsena ka katleho na.
Nnete ke hore ha ke na pelaelo ya hore re tla phethahatsa seo re se tshepisitseng FIFA le dibapadi tsa bolo ya maoto mmoho le b ratang bolo ya maoto ka ho bopa maemo a amohelehileng a ho tshwara thonamente e ntle ka ho fetisisa ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA.
Moya oo re o utlwang, ho tswa bathong ba fapafapaneng ba habo rona ba Afrika Borwa le ka ntle, o bontshwang ka kgatelopele ya sebele ya letsatsi le letsatsi eo re e etsang mabapi le ditokisetso tsohle, ke wa - Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang: ho sebetsa mmoho bakeng sa 2010! Mme re lokela ho etsa bonnete ba hore re ntshetsa pele mokgwa ona.
Re tseba ka botlalo hore ntlha ya bohlokwa ya ho itokisa ha rona e lokela ho ba ya ho bopa sehlopha se matla sa Afrika Borwa se tla etsa hore bohle mmoho le bao ba shebaneng le tsa papadi ya bolo ya maoto re be motlotlo. Ke na le tshepo ya hore South African Football Association, bakwetlisi ba rona ba etelletsweng pele ke Carlos Alberto Parreira, le dibapadi ka botsona di a tseba ka boikarabelo bo boholo boo di bo jarileng bakeng sa ho lokisa sehlopha sa naha seo rona mmoho le Afrika ka bophara re tla ba motlotlo ka sona.
Ke sa batla ho boela ke lebohisa di-Springbok ka ho ba ka pele ha ba ne ba fenya Mohope wa efatshe wa Rakebi selemong se fetileng. Hona ho lokela ho susumetsa le Bafana Bafana, mme hape ho susumetse le ba-atelete ba rona ba tla beng ba hlodisana Dipapading tsa Olimpiki mane Beijing ha morao selemong sena.
E re jwale ke boele Mananeong a ka Hodimodimo ao ke buileng ka ona.
Hodima ho potlakisa kgolo ya ikonomi le ntshetsopele re tla kenya tshebetsong Moralo wa Leano Mehato e tla Nkuwa la Indasteri. Mmuso o tla tswela pele ka lenaneo la ho hodisa indasteri le ho tswela pele ka ho thea menyetla bakeng sa kgolo le ho thea mesebetsi. Mabapi le hona, ho se ho entswe ditekanyetso tsa tjhelete e lekanang le R2,3 biliyone bakeng sa mesebetsi ya leano la indasteri mme R5 biliyone e nngwe dilemong tse tharo e tla tshehetsa leano la indasteri.
Ka ho sebetsa mmoho le kgwebo le basebetsi, hape re tla hlahisa ka potlako ka ho ya ka moo ho kgonahalang meralo ya mehato e tla nkuwa ya bohlokwa mekgeng moo meralo e jwalo e seng teng, jwalo ka merafong le ho etsa dintho ka diminerale, disebediswa tsa ka tlung, barekisi le ka ho tsepamisa maikutlo ntlafatsong ya tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane, kahong, di-indasteri tsa boqapi, temo le ho fetola dihlahiswa tsa temo.
Ke sa rata ho boela ke tiisetsa taba ya hore re tla dula re ntse re tshehetsa mokga wa makoloi, mme ka hoo, re tla etsa bonnete ba hore tshehetso e fuwang mokga ona ka Lenaneo la Indasteri ya Tlhahiso ya Makoloi e tswela pele.
Boemong bo hodimo ba ikonomi, re tla tswela pele ho boloka le ho bona hore tshehetso ya ikonomi e ya hola, le ho fokotsa ho se sireletseha ho bakwang ke dintho tsa ka ntle ho naha.
Bakeng sa ho potlakisa ho aha dibopeho tsa motheo re tla phethahatsa tlhahiso ya moralo o nang le nyalano wa dibopeho tsa motheo, ka ho hatella tabeng ya paballo ya eneji. Hona ho bolela ho hokahanya mananeo a Dikgwebo tsa Mmuso le ho beha maano a meralo ya dibopeho tsa motheo, ho kenyelletswa le ho rwala dithoto, dipeipi tsa ho tsamaisa eneji, thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano, mebila, metsi le motlakase, ho shebilwe nako le moo di leng teng.
Se akaretsang mererong ena, e bile e le sa bohlokwa haholo ke thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano eo e leng mothusi hape e le mokga ka boyona. Ka mokgwa o tshwanang, selemong sena re tla phethahatsa ho fana ka laesense le ho etsa hore Infraco e sebetse. Sentech e se e ntse e fuwe tjhelete hore e kgone ho fana ka ditshebeletso tsa inthanete. Ka ho sebedisana le mebuso e meng e kontinenteng le mokga wa poraefete, re tla phethahatsa tshebetso ya ho thakgola mosebetsi wa ho tsamaisa mehala ka tlasa lewatle.
Hape, re batla ho fana ka kgaso eo e seng ya mohala ho dipersente tse 50 tsa baahi mafelong a selemo sena. Mabapi le hona, re tla be re se re qala ka leano la rona la ho hlahisa Set Top Boxes, le tla phethahatswa mahareng a selemo sena.
Ka ha re lemohile hore tshebetso ya mmuso e batla e tsamaya butle mabapi le dikopo tsa dipeeletso mererong e tshwanang le ho fumana mobu, dibopeho tsa motheo le ditekolo tsa tikoloho, mme tse di ka sitisa kapa tsa kgontsha peeletso, re entse qeto ya hore ka ho ya ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, re hlome sebaka seo ho tla letsetswa ho sona hore batho bao ba batlang ho beeletsa le mmuso ba kgone ho sala morao dikopo tsa bona. Mosebetsi o se o qadile.
Karolo ya lenaneo la mmuso la Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng e tla tsepamiso ya maikutlo ditabeng tsa ntshetsopele ya bokgoni. Mosebetsi wa ho lekola botjha Leano la Naha la Ntshetsopele ya Bokgoni ba Batho o tla phethahatswa selemong sena, le diprojeke tsa sehlopha sa kopanelo tsa mmuso, basebetsi, kgwebo le di-institjhushene tsa thuto tse hlophisitsweng tlasa lenaneo la Joint Initiative on Priority Skills Acquisition (JIPSA), di tla matlafatswa.
Ke nete hore re kgothaletswa ke dikarabelo tse ntle tse tswang mokgeng wa poraefete jwalo ka ha ho bontshitswe ka boitlamo ba di-CEO tse 70 tsa dikhampani tse leng lenaneng la Johannesburg Securities Exchange hore ba tla sebetsa le mmuso mabapi le phephetso ya tlhokeho ya bokgoni.
Ka hodima mosebetsi ona, re tla re mo nakong e tlang re kenye letsoho ka pejana ntlafatsong ya dikholetjhe tsa Thuto e Tswelang Pele (FET), di-SETA, ra neha dikolo tse futsanehileng mehlodi ya thuso, le ho di lokolla ditlamong tsa ho lefisa tjhelete ya sekolo, le ho potlakisa thupelo ya mosebetsi ya bao ba sa tswa fumana mangolo a bona a thuto tsa yunivesithi.
Hodima moo, ka mora ho lokisa bofokodi ba lenaneo la Thuto ya Motheo a Batho ba Hodileng, boo re bo hlwaileng selemong se fetileng, kgweding ena re tla thakgola letsholo la ho ruta batho ba bangata ho bala le ho ngola le tla tsejwa ka Kha Ri Gude (ha re ithuteng). Lona le tla kenyelletsa ho rupellwa ha barupelli ba ka sehloohong ba tla fana ka thupelo ya motheo ya ho bala le ho ngola bathong ba baholo le batjha ba 300 000 ka selemo sa 2008.
Bohareng ba mananeo a rona a ikonomi, re tshwanetse hore ka mehla re lekole ha eba katleho ya ona e thusa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba Afrika Borwa bohle, mme a dula a le sesebediswa sa bohlokwa Ntweng ya rona e kgahlanong le Bofuma le ho potlakisa phihlelo ya maikemisetso a rona mabapi le ho fokotsa tlhokeho ya mosebetsi le ho fihlela bophelo bo botle bakeng sa bohle.
Mabapi le lenaneo la ho aha matlo, jwale re kgona ho aha matlo a 260, 000 ka selemo, mme ho fihletswe tumellano le SALGA hore e thibele thekiso ya mobu o ka sebediswang bakeng sa lenaneo la ho aha matlo.
Ha re ntse re tswela pele ka ho kenya letsoho mererong e mengata e tsepamisitseng maikutlo phedisong ya bofuma, re tla tswela pele ho sebetsana le bofokodi bo mmalwa, ho kenyelletswa le ho qetella Bili ya Taolo ya Tshebediso ya mobu, ho qetellwa ha dinyewe tsa pusetso ya mobu, lenaneo la tshehetso bakeng sa bao ba fumanang mobu, le ntshetsopele le ho kengwa tshebetsong ha lenaneo la ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng.
Ho na le tse ding tsa dintho tseo re tla di neha kelo hloko e ikgethang selemong sena, mme re etse bonnete ba hore re fihlela dibeo tseo re batlang ho di fihlela ka borona.
E nngwe ya Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng ke katoloso ya leano le nang le nyalano hape le felletseng la twantsho ya bofuma le tla shebana haholo le dikarolo tsa setjhaba tse anngweng haholo ke bothata bona. Mona ho kenyelletswa bana, basadi, batjha, batho ba phelang mahaeng le dibakeng tsa bodulo tsa mekhukhung tse ditoropong, batho ba holofetseng kapa ba nang le malwetse a sa feleng le maqheku.
Hara mehato ya bohlokwa e sisingwang ho kenyelletswa: katoloso ya lenaneo la mesebetsi ya setjhaba, ho fana ka disaposidi tsa mesebetsi bakeng sa ho thea mesebetsi ka ho otloloha bakeng sa dihlopha tse itseng, ho ntlafatsa bokgoni ba ho batla mosebetsi, ho ntlafatsa thuto le thupelo, ho ntlafatsa ditshebeletso le thepa hara merabe e futsanehileng, ho nka mehato e itseng mabapi le malapa a futsanehileng, le ho etsa bonnete ba hore ho ba le tshebetso tse tsamayang hantle haholo tsa tshehetso ya basadi le mekga e meng. Hara tse ding, re tla lekola taba ya bong hore re ntlafatse dikarolo tsohle tse amang le matlafatso ya basadi.
Ho tsamaisanang le hona ke projeke ya ho lekola thuso tse hlokehang bakeng sa ho sebetsana le bana bao ba sa sireletsehang ba dilemo tse ka hodimo ho se 14.
Empa bohle re tla dumellana ka hore setjhaba sa heso le mafutsana haholoholo, ba ke ke ba kgona ho emela maano le dipuisano le diwekeshopo - le ha tsena tsohle e le dintho tsa bohlokwa. Se kgahlisang ke hore mehato e ka nkuwang ke ya dintho tseo mmuso o seng o ntse o di etsa le ha e le hore ha di na nyalano ka botlalo. Jwale he, ka ho ya ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, mmuso selemong se tlang o ikemiseditse ho hlwaya malapa le batho ba itseng ba futsanehileng e ke ka nnete, mmoho le ho nka mehato e tla ba thusa nakong e kgutshwanyane ho fokotsa bofuma ba bona.
Bakeng sa hona, re tla hloka Phaposi ya Naha ya Ntwa Kgahlanong le Bofuma re kopanye mafapha a jwalo ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae, Lefapha la Kgwebo le Indasteri, la Temo le Ditaba tsa Mobu, la Mesebetsi ya Mmuso le la Bophelo, ekasitana le makgotla a tsamaiso a diprovense le selehae, a tla sebetsa le di-NGO le kgwebo ho hlwaya thuso e hlokehang malapeng a itseng mme a e kenye tshebetsong ka potlako.
Selemong sena re tla shebana le dintho tse ding tse itseng tse ka hodimodimo lenaneng la mesebetsi e lokelwang ho etsuwa e leng tsona tsa bohlokwa ntweng ya naha e kgahlanong le bofuma, jwalo ka ha ho phehelletswe hore ho be le kakaretso ya batho ho tsa ikonomi le kahisano.
ho eketsa tekanyo ya lenaneo la Tshebeletso ya Naha ya Batjha ho kenyelletswa le keketseho ya ho kengwa ha batho lenaneong la Ntshetsopele ya Botsebi ba Sesole la Lebotho la naha la Tshireletso ho tloha ho 4 000 ha jwale ho ya ho 10 000.
ho matlafatsa Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba, leo ka ho feta maikemisetso ao le neng le behetswe ona, le bontshitseng hore le kgona ho amohela batho ba batjha: hoa ho tla kenyelletsa keketso ya batjha lenaneong bakeng sa ho boloka dibopeho tsa motheo tsa setjhaba, ho eketsa palo ya bana ba ngodisitsweng mananeong a Ntshetsopele ya Bana Dilemong tsa Bongwana ho ya ho 600 000 ka ditsha tse ntjha tse 1 000 tse tla ba le basebeletsi ba rutang ba ka hodimo ho 3 500 ba rupelletsweng le ho hirwa, le ho eketsa palo ya bahlokomedi. Tjhelete e ka etsang R1 biliyone e tla abelwa diprojeke tse welang tlasa Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba; mme, qetellong, ho hlahisa mokgwa wa dihlahiswa tse tla wela ka tlasa lenaneo la ho rekwa ke mmuso ho tswa dikgwebong tse nyenyane, tsa mahareng le tse nyenyane haholo; mme ka ho sebedisa Ejensi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, ho tla behwa mokgwa o matla wa ho etsa hore batho ba leshwe pele ho feta matsatsi a 30.
Hape re tla kopanya lenaneo le tla potlakisa kaho ya dibaka tsa bodulo tsa batho, ka maiteko a matlafaditsweng, a ho potlakisa kabo ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le motlakase ho bohle, hore ka selemo sa 2014, re kgone ho ba le dibaka tse hlomphehang tsa bodulo tsa batho le hore malapa ohle a kgone ho fumana ditshebeletso tsena.
Ho potlakisa letsholo la rona la ho fihlela bophelo bo botle bakeng sa bohle ho kenyelletsa ho phethahatsa ho kenelletseng ha Moralo wa Naha wa Leano la Twantsho ya HIV le AIDS. Hape re ikemiseditse hore selemong se tlang re fokotse palo ya batho bao tlolwang ke ho nwa meriana ya TB ho tloha dipersenteng tse 10 ho ya ho tse 7, re rupelle basebeletsi ba tsa bophelo ba 3 000 ba tla sebetsana le ho laola bolwetse bona le ho netefatsa hore bakudi bohle ba TB e hanyetsanang le meriana e mengata ba fumane kalafo.
Re ikemiseditse ho phetha mosebetsi wa mokgwa wa tshireletso ya setjhaba, moo re tla una molemo ho tswa ditherisanong tse seng di qadile le bao ba sebedisanang le setjhaba.
Jwalo ka ha re sebedisana mme re itokisetsa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang re lokela hore hape re matlafatse dipuisano tsa rona tsa naha tse mabapi le ditaba tse re hlalosang jwalo ka setjhaba.
Ditaba tsena tse pedi tse lokelwang ho boelwa ke tsena.
Ya pele ke hore re tshwanetse ho ba le kano e tla etswa ke bana ba sekolo hoseng ha ba bokane pele sekolo se kena, mmoho le Tshepiso e tla etswa ke Batjha mabapi le molemo wa ho itshwara hantle le ho tshwarahana jwalo ka batho ba Afrika Borwa. Letona la Thuto le tla bolela ka botlalo ka hoo bekeng e tlang.
Taba ya bobedi e mabapi le mabitso a tikoloho le a dibaka a hlokang tshebetso e felletseng e tla kenyelletsa diprovense tsohle e le hore re tle re kgone ho ba le motheo wa diphetoho tse sisintsweng. Re tla thakgola tshebetso ena e kopaneng e se neng, mme re tataiswa ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka le Dikomiti tsa lona tsa Diprovense.
Ha re ne re bua Tulong ya Kopanelo ya Palamente selemong se fetileng, bohle re ile ra hlahisa ho tshwenyeha ha rona e seng ka ho eketseha ha botlokotsebe feela, empa le ka boemo bo ntseng bo mpefala haholo ba dipolao - e leng ntho e neng e le ho fapoha ho se tlwaelehileng haesale hoba re fihlele demokerasi ya rona.
Ka mokgwa o tshwanang, selemong se fetileng re bile le tshebedisano e neng e hlophisitswe le ba kgwebo le mekga e meng ya baahi, bakeng sa ho hlahisa mokgwa o akaretsang wa ho fetola tshebetso tsa toka ka botlalo.
Mabapi le hona, ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, Kabinete e dumellane ka sehlopha sa diphetoho se hlokehang bakeng sa ho thea mokgwa wa tshebetso tsa twantsho ya botlokotsebe o motjha, o ntlafaditsweng, o sebetsang hantle haholo hape o fetotsweng. Hara dintho tse ding, hona ho tla kenyelletsa ho hloma sebopeho se setjha sa dikgokahano le tsamaiso bakeng sa mokgwa ona boemong bohle, ho tloha mmusong wa naha ho a ho wa selehae, hona ho kopanye tshebetso tsa toka le tsa bomakgistrata, mapolesa, batjhutjhisi, ditshebeletso tsa tlhabollo ya batshwaruwa le Boto ya Thuso ya Molao, ekasitana le mekgwa e meng ya kena dipakeng, ho kenyelletswa le matlafatso ya Diforamo tsa Bopolesa ba Metse.
Jwalo ka ha Ditho tse Hlomphehang di tseba, e meng ya mesebetsi ena e se e ntse e qadilwe; empa re na le tshepo ya hore, ha yohle e ka phethwa ka tsela e nang le nyalano hape e felletseng hape e tsamaelanang, sephetho e tla ba se sebetsang hantle haholo tshebetsong ya rona ya ho lwantsha botlokotsebe. Matona a Toka, Karolo ya Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso a tla hlalosa dintlha tsa hona le mesebetsi e meng hara beke e latelang.
Hape, selemong sena re tla qetella mosebetsi o mabapi le Dibili tsa ho fetolwa ha tshebetso tsa boahlodi ka therisano le baahlodi le bomakgistrata, re qetelle le leano leo sepheo sa lona e leng ho matlafatsa taolo ya meedi le tshireletso, le ho etsa hore Tjhata ya Diphofu e sebetse, ho etswe hloko haholo taba ya bao ba phetang ditlolo tsa molao, mme re tswele pele ho kenya tshebetsong mehato e meng e tswang dikgothaletsong tsa Khomishene ya Nnete le Poelano.
Ka ho latela boikarabelo ba rona ba ho lwantsha botlokotsebe ba dihlopha, mmoho le ho ela hloko dikgothaletso tsa Khomishene ya Molao ya Khampepe mabapi le tshebetso le sebaka seo Bolaodi ba Tshebetso tse Ikgethang bo leng ho sona ekasitana le ditherisano tse tswelang pele mabapi le taba ena, ho kenyelletswa le ho ntlafatsa Mokgwa wa Twantsho ya Botlokotsebe, re tla re mafelong a Tlhakubele selemong sena, ra ikopanya le Palamente mabapi le melao le mehato e meng e hlokehang ya ho tiisa bokgoni ba rona ba ho lwantsha botlokotsebe ba dihlopha.
Se tla tswelang pele ho re tataisa jwalo ka ha re nka mohato ona e tla boitlamo bo felletseng ba mmuso ba ho lwantsha botlokotsebe bo hlophisitsweng le ntlafatso ya taolo, tsamaiso e ntle le kgokahano ya ditheo tsa phethahatso ya molao.
Seo e leng sa bohlokwa haholo, ke hore katleho ya rona twantshong ya botlokotsebe e tla itshetleha hodima ntlha ya hore bohle re sebetse mmoho jwalo ka baahi ba naha ba ikobelang molao, ba susumetswa ke metheo ya tshebetso ya molao, hlompho ya makgotla a rona a dinyewe jwalo ka ha ho phehelletswe ho fihlela ditokelo tsa botho tse lekanang, tseo Molao wa rona wa Motheo o re laelang hore re di latele maphelong a rona letsatsi le letsatsi mmoho le diphatlalatso.
Re tla tswela pele selemong sena ka maiteko a ho ntlafatsa tshebetso tsa mmuso hore di fihlele maikemisetso a tsona baahing ba naha. Ha ho kgoneha, moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang o lokela ho sebetsa ho bohle ba nang le monyetla wa ho ba basebeletsi ba mmuso.
Ho na le dintho tsa bohlokwa tse ka sehloohong hape tse bonolo empa di potlakile tseo re lokelang ho sebetsana, jwalo ka karolo ya maiteko ohle a ho ntlafatsa tlhophiso le bokgoni ba puso.
La pele, ho dumellanwe mekgeng yohle ya mmuso hore dikgeo dife kapa dife tsa bohlokwa tse hlahang mmusong di lokelwa ho tlatswa dikgweding tse tsheletseng ka mora hoba dikgeo tseo di hlahe. Lefapha la Tshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso le tla hloma mokgwa wa ho lebela bakeng s aho latela mehlala ya ho kengwa tshebetsong ha qeto ena.
La bobedi, ka Motsheanong selemo se seng le se seng (le dikgweding tse pedi tsa ho qala ha selemo sa ditjhelete maemong a mmuso wa selehae) batsamaisi bohle ba phahameng ba lokela hore be ba tlatsitse Ditumellano tsa bona tsa Mosebetsi (Performance Agreements) le bolaodi bo tshwanetseng. Ofisi ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Mmuso e tla hloma mokgwa wa ho lebela mabapi le hona.
La boraro, ka ho lemoha hore Lefapha la Ditaba tsa Ka Hara Naha le ama ntlha ya bohlokwa ya moahi e mong le e mong wa naha, selemong sena re tla matlafatsa ho kengwa tshebetsong ha leano la ho phethwa ha mesebetsi le ananetsweng ke Kabinete. Hona ho kenyelletsa ho ntlafatsa mekgwatshebetso ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (IT), ho rupellwa ha basebetsi ka mekgwa e meng e metjha, ho hlaola bao ba etsang bobodu le ho leka dikarata tse ntjha tsa Boitsebiso (ID).
Ntlafatso ya mosebetsi ditshebeletsong tsa mmuso hape ho itshetlehile hodima boleng ba boetapele bo tswang ho ba leng phethahatsong le batsamaisi ba phahameng.. Hodima moo, ho bohlokwa ho ntshetsa pele maikemisetso a basebetsi ba mmuso mesebetsing ya bona - e leng mosebetsi o leng mahetleng a boetapele, basebetsi ba mmuso ka bobona, le mokgatlo wa basebetsi.
Mabapi le hona, selemong sena, ka therisano le mekgatlo ya basebetsi ya mokga wa mmuso, re tla bitsa Seboka sa Basebetsi ba Mmuso ho tla tshohla ditaba tsena e le hore moya wa Batho Pele o kgone ho hlahella ka mokgwa o bonahalang kae le kae moo ho fanwang ka tshebeletso ya mmuso.
Ka ho sebetsa mmoho le balekane ba rona setjhabeng, re tla etsa bonnete ba hore, ho ya mafelong a selemo sena, ho amohelwa Lenaneo la bobedi la Naha la Twantsho ya Bobodu, mme le morero wa mehato e eo ho dumellanweng ka ona le ba kgwebo o kengwe tshebetsong. Boemong ba mebuso ya selehae teng, re tla thusa bomasepala ba ho qala ba 150 hore ba hlahise maano a bona a twantsho ya bobodu.
Re tla tswela pele selemong sena ho eketsa maiteko a ho matlafatsa bokgoni ba mebuso ya selehae hore bo tsamaelane le Lenane le yang ka Leano la dilemo tse 5 la Mmuso wa Selehae. Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le tebelo e hlophisitsweng hantle, SALGA e dumetse ho fana ka dipehelo tsa kotara le kotara tsa mosebetsi o etsuwang.
Bakeng sa ho tswela pele ho ntlafatsa tshebeletso e fuwang bao ba leng mekgeng e sa sireletsehang ba jwalo ka mekaubere, basadi le batjha, re tla lekola botjha dibopeho tse fuweng thomo ya ho phetha mesebetsi ena mme re hlahlobe ditlhophiso tse e ka bang ke tsona tse tshwanetseng, ho kenyelletswa le tekolo ya dibopeho tsa mmuso e theilweng haholoholo bakeng sa ho shebana le ntshetsopele le matlafatso ya batjha.
Tse ngata tsa diphephetso mosebetsing wa rona tseo re seng re di hlwaile di tswa bofokoding bo boholo ba thero ya rona. Ka hoo, jwalo ka karolo ya Dintho tsa rona tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng nakong e tlang re tla phethahatsa mesebetsi e tla etsa hore re kgone ho tshehetsa bokgoni ba mmuso ba ho kenya merero ya sebele e nang le nyalanyo, e akaretsang ditshiya tsohle tsa mmuso.
Lenaneo leo re le hlalositseng le kenyelletsa boitlamo boo naha ya rona e dumellaneng ka bona le boetapele ba kontinente ka Mokgwa wa Tekolo Botjha ya Dinaha tseo ho Sebetswang mmoho le tsona tsa Afrika.
Hona re tla ho etsa, re susumetswa ke tabatabelo e tshwanang ya batho ba kontinente ya nyalanyo e kgolo ha ho ntse ho sebeletswa kopano kontinenteng maemong ohle. Mohato wa bohlokwa mabapi le hona ke matlafatso ya ditheo tsa lebatowa le diketsahalo tseo sepheo sa tsona e leng ho fihlela nyalanyo ya lebatowa.
Re tswela pele ho phehella ho ba le tikoloho ya kgwebo e lokolohileng ho Southern African Development Community, mme re tshepa ho sebedisa Bodulasetulo ba rona ba SADC ka 2008/2009 ho phethahatsa diketsahalo tsa lebatowa mabapi le hona.
Ke mabapi le hona, hape, re tlang ho tswela pele ka dikamano tsa rona le dinaha tsa boahisani le European Union, maelana le tshebetso e etelletsweng pele ke African Union, ho netefatsa hore ditherisano tse mabapi le Ditumellano tsa Tshebedisano Ikonoming di phethahatswa ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang, bakeng sa ho potlakisa ntshetsopele ya lebatowa la rona.
Selemong se fetileng re ile ra phethahatsa thomo ya SADC ya ho thusa baetapele ba dipolotiki ba Zimbabwe ho fumana tharollo ya ho ya ho ile ya diphephetso tsa bona tsa dipolotiki tseo ba tobaneng le tsona.. Re bile le monyetla, Sebokeng sa AU se neng se tshwaretswe meeding ya Addis Ababa, ho fana ka pehelo e felletseng ho boetapele ba SADC ka taba ena.
Ka bokgutshwane, mekga e neng e ameha dipuisanong e fihletse tumellano e felletseng ditabeng tsohle tse amanang le ditaba tsa bohlokwa tseo mekga e neng e lokela ho di rarolla. Tsona di kenyelletsa ditaba tse amanang le Molao wa Motheo, tshireletso, melao ya diphatlalatsi tsa ditaba le dikgetho, le ditaba tse ding tseo ho neng ho tse ho sebetsanwa le tsona dilemong tse ngata. Melao e tshwanetseng mabapi le hona e ananetswe ke palamente, ho kenyelletswa le diphetoho tse hlokehang tsa molao wa motheo. Le ha o le jwalo, ho setseng ke taba ya mokgwatshebetso o amanang le nako le mokgwa wa ho kenya Moralo wa Molao wa Motheo o motjha oo ho dumellanweng ka ona.
Ka mokgwa o tshwanang, re ema le Dihlooho tsa Dinaha tsa SADC le Mmuso ho lebohisa mekga e kenetseng Dipuisano mane Zimbabwe bakeng sa ho fihlela diphetho tse ka tlotlwang le ho ba kgothaletsa ho sebetsa mmoho ho rarolla ditaba tse mabapi le mokgwatshebetso o setseng. Jwalo ka ha re kopilwe ke Dihlooho tsa Dinaha tsa SADC le Mmuso re ntse re itokiseditse ho tswela pele ho thusa ditherisanong tsa Zimbabwe. Ho ntse ho le jwalo, re rata le ho lakaletsa batho ba Zimbabwe katleho dikgethong tsa bona tse hlophiseditsweng mohla la 29 Tlhakubele.
Dikamano tsa rona ka mekgwa e mengata e fapaneng le Democratic Republic of Congo di tla tswela pele, jwalo ka ha re labalabela ho kenya letsoho maitekong a batho ba naha eo a ho fihlela kgotso, le ho kenya tshebetsong lenaneo la bona la kaho botjha le ntshetsopele.
Re tshwenyehile haholo ka merusu e se nang kelello e mane Kenya le Chad, diketsahalo tse bontshang ka ho hlaka ho busetswa morao ha kgatelopele e neng e se e entswe dilemong tse mmalwa tse fetileng ka tsosoloso ya kontinente ya Afrika.
Re tla tswela pele ho phetha mesebetsi ya rona Lekgotleng la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng. Hwa bohlokwa ka hona, ke matlafatso ya tshebedisano pakeng tsa Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a kopaneng le Lekgotla la Kgotso le Tshireletso la African Union.
Ka ho kgothaletswa ke tabatabelo ya ho ntshetsa pele ntlafatso ya boleng ba batho bohle, haholoholo dinaheng tse ntseng di tswela pele, re tla tsepamisa maikutlo a rona matlafatsong ya seabo sa rona diforamong tsa India-Brazil-Afrika Borwa, Tshebedisanong e yang ka Leano ya Afrika e Ntjha-Asia, Non-Aligned Movement, Group of 77 le ditherisanong tsa ho phethahatsa tumellano ya kgwebo ya SACU-Mercusor.
Selemong sena re keteka sehopotso sa dilemo tse leshome tsa ho thehwa ha dikamano tsa bonnqosa pakeng tsa Afrika Borwa le People's Republic of China. Dikamano tse ntseng di hlahella dikarolong tse fapaneng pakeng tsa mebuso ya rona le batho di tiisetsa Tshebedisano ya China-Afrika Borwa bakeng sa Kgolo le Ntshetsopele kamanong e yang ka leano ya ho una melemo mahlakore ka bobedi, e leng ntho e ka holang ho ba le matla a fetisisang.
Selemong se tlang, re tlilo amohela baeti Khonferenseng ya Tekolo moo ho tla hlahlojwa mekgwa ya ho kenya tshebetsong diqeto tsa Khonferense ya Lefatshe e Kgahlanong le Kgethollo ya Borabe e ileng ya tshwarelwa naheng ya habo rona ka 2001. Re na le tshepo ya hore, ka ho tseba lehloyo la bona la tshebetso ya kgethollo ya borabe mmoho le diphetho tse seng monate tseo e bang le tsona bothong, mebuso le batho ba lefatshe ba tla sebetsa mmoho le rona ho etsa bonnete ba hore Khonferense ya Tekolo botjha e fihlela maikemisetso a yona.
Maikarabelo ana a lefatshe ka bophara, ho kenyelletswa le ho hlophisetsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya maoto wa FIFA ka 2010, a tlisa tshepo e matla eo batho ba nang le yona hodima naha ya habo rona jwalo ka e mong ya nang le seabo se yang ka leano maitekong a botho. Empa ha re a tshwanela ho nka hona e le ntho e nyenyane feela.
Ka mora ho ba ke bolele tsohle tseo ke di buileng, ke rata ho kgutla potsong e reng: na boemo ba naha ke bofe jwalo ka ha re kena selemong sa 2008!
Seo ke se tsebang mme ke se bolelang mona ka boitshepo ke hore: ho sa natswe diphephetso dife kapa dife tsa ha jwale, rona re ntse re le motjheng!
Hona ke ho bolela ka tshepo e se nang qeaqeo hobane ke na le tiisetso ya hore Maafrika Borwa a na le bokgoni mme a ikemiseditse ho fihlela diphephetso tsa nakong e fetileng - ho sebetsa ka matla - ho arabela diphephetsong tsa naha tsa letsatsi, ho kenyelletswa le tseo tse amanang le ikonomi ya rona, boemo ba dipolotiki le ba ikonomi mona Afrika le nqeng tse ding lefatsheng, le ho nka menyetla eo naha ya rona e faneng ka yona ke naha ya habo rona e tswetseng pele dilemong tse leshome le metso e mene e fetileng.
Tshebedisanong mmoho ya rona, le moo re ikemiseditseng ho tsamaisa mesebetsi ya rona ka mokgwa o sa tlwaelehang hape o tsamayang hantle haholo, re tla tswella ka tshebetso ya kaho botjha le ntshetsopele mme re e fihlise boemong bo hodimo le ho feta.
Ke ya leboha.
<fn>09021915451007.txt</fn>
Ke motlotlo ho tshetlehela Tulo ena e Kopanetsweng ya Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa puo, mathwasong a seshene ena ya ho qetela ya Palamente ya rona ya Boraro ya Demokerasi.
Ke ema ka pela batho ba Afrika Borwa ke ikokobeditse ka monyetla ona oo ke o fuweng wa ho tshwara setulo se phahameng hakana ka hara naha ka baka la ketsahalo e sa tlwaelehang e ileng ya etsahala ha mokgatlo o busang o ne o theosa eo ya neng a le Mopresidente setulong.
Sa ka feela ke boikarabelo, bakeng sa dikgwedi tse mmalwa feela, hore ke etelle pele Lekgotla la Naha la Phethahatso ha le phetha thomo ya lona e fuweng African National Congress dikgethong tsa 2004, le ho hloma motheo wa tsamaiso ya ka mora dikgetho hore e tswele pele.
Dikgweding tse hlano tse fetileng re kgonne ho etsa bonnete ba hore re ba le diphetoho tse se nang diphoso ho mekgwatshebetso ya mmuso, re leboha tswelopele ya mokgwatshebetso ya molao wa rona wa motheo, e bonahetseng hape le tshebedisanong ya ditho tsa Lekgotla la Phethahatso - tsa kgale le tse ntjha - le boikarabelo bo bontshitsweng ke batsamaisi ba mekga ya mmuso wa rona.
Jwalo ka ha re sheba morao dilemong tse 15, ke rata ho ananela maikemisetso le ho sebetsa ka matla ha Bapresidente Nelson Mandela le Thabo Mbeki ekasitana le banna le basadi ba bileng le seabo tsamaisong ya puso tlasa demokerasi: Lekgotleng la Phethahatso le tsamaisong, makgotla a ketsa melao ditshiyeng tsohle tse tharo tsa puso, le ba Tshebetso tsa Toka, ba susumetswa ke tabatabelo ya ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho bohle ba Afrika Borwa.
Ka hodima tsohle, ke ema ka pela lona ke le motlotlo hape ke na le tshepo ya hore Afrika Borwa eo re e ketekang kajeno e fapane haholo le dikarohano, dithulano le ho qhellwa thoko nakong ya pele ho dilemo tse 15 tse fetileng. Hona ke ntho e tlileng ka baka la ho sebetsa ka matla ha basadi le banna ba mefuta yohle.
Batho bana ba Afrika Borwa ba emela tshepo le matla a re nehang sebopeho sa setjhaba sa habo rona.
Hodima lenane lena, ke rata ho bala hape le Mme Helen Suzman, mo-Afrika Borwa ya neng a tsebahala e le ka nnete, ya neng a emetse makgabane a Palamente ya rona e ntjha ditjhembareng tsa kgale.
Ke bona mmoho le ba bang ba ratang naha ya habo bona ba lokelang ho abelana tlotlo ha re phatlalatsa hore - le ha ho ka ba le maemo a jwang kapa jwang a moruo naheng ya habo rona, le ha ho ka ba le diketsahalo dife kapa dife tsa dipolotiki tse ka bakang dintho tse sa hlakang diphetohong tseo re di fihletseng - setjhaba sa habo rona se boemong bo botle.
Le ha ho le jwalo, ha re a tshwanela ho kgella tlase diphepetso tseo re tobaneng le tsona. Ho putlama ha moruo ho beha moruo wa rona kotsing e mpe haholo mabapi le ho lahleha ha mesebetsi le boleng ba bophelo ba batho ba habo rona.
Hantlentle, dintho tse sa hlakang tse bakwang ke diphetoho tsa dipolotiki di ka tlisa dipotso tse ngata ho feta dikarabo tseo re ka bang le tsona ha jwale.
Ka baka leo, ba bang ba rona ba ka makatswang ke diketsahalo tsena tse sa kgahliseng e be re phahamisa mahetla re tobana le mathata ana a moruo le moferefere o leng teng dipolotiking.
Empa leeto la rona ke la tshepo le ho ba matla.
Hape re ka re, ka baka la ntho e etsahetseng e sa tlwaelehang, dintlha tse ngata tsa molao wa rona wa motheo di ile tsa kengwa tekong nakong e sa tswa feta; mme e nngwe le e nngwe ya tsona e fetile tekong eo, mme ya bontsha demokerasi ya sebele e matla ka ho fetisisa.
Demokerasi ya rona e sebetsa hantle haholo. E ntse e hola butle, e tsheheditswe ke Molao wa Motheo oo ho se nang letho le ka lekangwang le ona lefatsheng lohle.
Le jwale, tshebetso ya rona e matla dipolotiking nakong ena ya tlhodisano ya dikgetho - tseo bohle re dumelang hore di lokela ho ba tse hlomphehang hape tsa kgotso - ke tiisetso ya nnete ya ho ntshetsa pele le ho tebisa demokerasi ya rona.
Ke batho ba Afrika Borwa ba entseng bonnete ba hore e hatela pele; mme ke bona ba tla tiisetsa demokerasi ya rona dilemong tse tlang.
Ntumelle, Mme Sepikara le Modulasetulo, hore mona ke etse boipiletso ho batho bohle ba Afrika Borwa ba tshwanelehileng hore ba ingodise mme ba voute dikgethong tse tlang tsa naha le tsa diprovense, e le hore re tle re kgone ho bopa bokamoso ba rona ka borona.
Hona re lokela ho ho etsa letsatsi le leng le le leng la ho sebetsa diofising tsa rona tsa bomasepala, pele lenane la bavouti le kwalwa. Empa hape re lokela ho nka monyetla wa mafelo a beke a ikgethang a ngodiso e hlophisitsweng ke Khomishene ya Dikgetho ya Afrika Borwa (IEC) ka la 7 le 8 Hlakola.
Ke rata hape le ho nka monyetla ona ke bolele hore matsatsing a mmalwa a tlang ke tla phetha ditherisano le Khomishene ya Dikgetho le Ditonakgolo tsa Diprovense mme ke phatlalatse letsatsi la dikgetho.
Ho ba teng ha demokerasi ya rona ke ka baka la batho ba Afrika Borwa bao, ka la 27 Mmesa 1994, kgetlo la pele ba ileng ba kopana ho inkela bokamoso ba bona hore bo be matsohong a bona.
Ka ketso eo e bonolo hape ya bohlokwa ya ho voutela mmuso wa batho ba naha ya habo rona, re ile ra furalla dinako tse fetileng tse neng di sa hlomphe botho ba rona bohle.
Tshebetso eo e ile ya hloma motheo wa tumellano ya dinaha tsa lefatshe, ka Kopano ya Matjhaba, mabapi le mokgwa wa ditherisano mona Afrika Borwa.
Ka hara Afrika Borwa, hape e ile ya ela hloko le Khonferense ya Demokerasi ya Nakong e Tlang ya 1989 - e ileng ya kopanya batho bohle ba ratang naha ya habo bona ho tswa dibakeng tse ngata tse fapaneng.
Tsena tsohle di ile tsa ba le sephetho sa hore ho be le tshebetso ya ditherisano e tlileng ka dikgetho tsa ho qala tsa demokerasi ka 1994.
Mabapi le hona re lokela ho tlotla ya neng a le Mopresidente wa African National Congress ya re siileng, Oliver Reginald Tambo, bakeng sa ho qala le ho leka mosebetsi ona ka mekgatlo ya kontinente le ya lefatshe mme hoo ha ba tsela e ileng ya re tlisetsa tharollo ya kgotso ya dithulano naheng ya habo rona.
Mohato oo wa ho ba le sebete wa ho hloma sebopeho se tla batla kgotso le poelano, sebakeng sa ntwa le dithulano, o ile wa fedisa saruri dintho tsa mashano tsa dilemong tse ngata tse fetileng: e leng, ho phethwa ka 1909 ha Seboka sa Naha se ileng sa qetella se hlomme Kopano ya Afrika Borwa.
Le ha Seboka se ile sa hlalosa bokgabane ba tikoloho ya Afrika Borwa jwalo ka ha re tseba kajeno, hoo ho ne ho theilwe hodima kgatello ka ho ya ka borabe le ho qhella ba bang thoko.
Ka hoo, dilemo tse 15 re kene demokerasing ya rona, re ka bolela hore tshabo, ho se sireletsehe le lehloyo leo dilemong tse 100 tse fetileng, di ileng tsa baka kgotso e ikgethang hape eo e seng ya sebele hara bathei ba bokoloniale.
Tshabo le ho se sireletsehe hoo ho ile ha baka kganyetso ya dilemo tse ngata. Mabapi le hoo re tlotla mohale wa setjhaba sa habo rona, Solomon Kalushi Mahlangu ya ileng a fanyehwa dilemong tse 30 tse fetileng, mme yena o ile a ema a le motlotlo a tseba hore madi a hae a tla nwesetsa sefate sa tokoloho.
Solomon Mahlangu o ne a ntshetsa pele mosebetsi wa bahlabani ba maoba le maobeng, bao hara bona re ka balang bao ba neng ba le ka tlasa Morena Cetshwayo eo ka 1879 a ileng a hlola masole a Brithani mane Isandlwana, e le ha a sireletsa tokoloho ya beng ba naha ena ya habo rona le bophahamo ba dinaha tsa bona.
Dilemo tse lekgolo le mashome a mararo tse fetileng re ka bua ka tshepo le matla a ileng a ba le tshusumetso dipelong tsa bao ba neng ba na le maikemisetso.
Ditsing tsa thuto, yona kganyetso eo e ile ya ntshetswa pele ka kganyetso ya bongata ba batho ka mora ho thibelwa ha mokgatlo wa tokoloho le ho kwallwa ha ba bangata ba baetapele ba phahameng.
Ha re hopola baithuti bana ba dilemong tse fetileng re fihlelwa ke molaetsa wa hore ho nyorelwa tokoloho le tsebo ke ntho e fihlang ka matla ho batjha ba rona.
Molaetsa wa ketso tsa bona tsa bahale kajeno e ba wa sebele jwalo ka ha ho ne ho etsahala ka nako eo, hore mmoho re lokela ho matlafatsa metjha ya menyetla ya rona, hore ka mantswe a Freedom Charter, re lokela ho bula "mamati a thuto le setso"!
Re hopola mekgatlo ena le baetapele bakeng sa ho tiisetsa moya wa tshepo le matla a ileng a ba le tshusumetso boitsekong ba demokerasi le ha ho ne ho ena le ho bohehang ho sa hlaka, ho neng ho kgella tlase boikarabelo bo neng bo le mahetleng a rona a ho ntshetsa pele mehopolo eo ba bangata ba ileng ba etsa sehlabelo ka maphelo a bona, ba hana ho tshabiswa ke dintho tse neng di re hulela morao mmoho le mathata.
Ka hoo, Mme Sepikara le Modulasetulo ya Hlomphehang, re lokela ho ipotsa: na diketso tsa rona di behile jwang tsela ya diphetoho ya setjhaba sa Afrika Borwa dilemong tse leshome le metso e mehlano tse fetileng haesale ho tloha ka ho thehwa ha demokerasi ya rona, mme hape re kgonne jwang ho ntshetsa pele mokgwa wa tswelopele ya botho le seriti sa botho haesale ho tloha re fuwe thomo ya demokerasi ka 2004.
Kajeno re na le mokgwa o sebetsang hantle haholo wa demokerasi, o hlonngweng hodima metheo ya ho sebeletsa pepeneng le ho se be le sephiri, moo batho ba bang le menyetla e fapaneng ya ho ba le seabo mme ho na le ditheo tse ikemetseng tse fuweng thomo ke Molao wa Motheo hore di tshehetse demokerasi.
Dilemong tse fetileng, re ile ra ntlafatsa butle dibopeho tsa mmuso. Re bopile mokgwatshebetso wa ho ba le dikamano tse tsamayang hantle haholo mafapheng a mmuso ka bophara, mme ra ntlafatsa le nyalano hara ona.
Ke nnete, mmuso o ka ba motlotlo ka hore re fetotse sebopeho sa dipalopalo ditshebeletsong tsa mmuso moo kajeno di bontshang sebopeho sa setjhaba sa habo rona.
Le ha ho le jwalo, le ha basadi ba bopa 34% maemong ohle a phahameng ditshebeletsong tsa mmuso, hona ho ntse ho haella ho fihlela sebeo sa ho lekanya maemo seo re ipehetseng sona.
Boemong ba naha le makgotleng a ketsa melao a diprovense, ho bonahala ho hlakile hore setjhaba selemong sena se tla feta boemedi ba 32% ya basadi eo ho neng ho shebilwe hore e tla fihlelwa ka 2004, mme re tshepa hore, ekasitana le yona 40% e fihletsweng ka 2006 dikgethong tsa mebuso ya selehae.
Re tshepa hore mekgatlo ya dipolotiki, jwalo ka ha e ntse e phethela manane a yona a dikgetho, e tla kenya letsoho maitekong ana a kgabane!
Le ha ho na le kgatelopele e seng e entswe, ka 0,2%, boemo bo ntse bo le tlase ka tsela e sa kgahliseng mabapi le batho ba sa itekanelang ba hirilweng ke mmuso, ha ho bapiswa le sebeo sa 2% seo re ipehetseng sona.
Nqeng tsena ka bobedi, mekga ya poraefete e salletse morao haholo.
Ho se ho kentswe mekgwa e meng e fapaneng bakeng sa ho ntlafatsa bokgoni ba ho sebetsa ba ditshebeletso tsa mmuso, ho kenyelletswa le tsamaiso ya ditjhelete, Ditsi tsa Ditshebeletso tsa Thusong le mekgwa e meng e fanang ka ditshebeletso, di-izimbizo (dipitso), le boetapele bo matla jwalo ka ha re bona ha jwale ka Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Le ha ho le jwalo, ho sa le hongata ho lokelwang ho etsuwa bakeng sa ho ntlafatsa ditshebeletso le ho tlwaetsa basebetsi ba bang ba mmuso mosebetsi, haholoholo bao ba sebetsang ka ho otloloha le setjhaba.
Jwalo ka ha Ditho tse Hlomphehang di tseba, mmuso wa rona o lwantshitse bobodu e leng e nngwe ya dintho tseo re ileng ra tsepamisa maikutlo a rona ho bona.
Hona ho bonahala haholo, hara tse ding, melaong, melawaneng le dipehelong tse laolang basebetsi ba mmuso le bao ba tshwerweng ditulo tseo ba di fuweng ka ho ya ka dipolotiki, basebedisani le setjhaba, le ba tsa kgwebo, ekasitana le ho ba le mehala ya ho tlaleha bobodu.
E ka nna ba mekgwatshebetso ya ho fana ka kotlo ho bao ba etsang bobodu ha ya lekana, empa ka ho ya ka tjhebelopele ya mmuso, re ka ikgotsofatsa ka hore 70% ya dinyewe tse tlalehuweng tsa bobodu diphatlalatsing tsa ditaba di a tsebahala hobane mmuso o bone ketso tse sa lokang, mme o nka mehato kgahlanong le tsona.
Tsona diphepetso tse tshwanang le tsena di ntse di tobana le mokga wa poraefete. Mafelong, phepetso e batla e tshwana feela le pehelo, ka ha e hloka ho kengwa ha yona tshebetsong ka mokgwa o tshwanang.
Ke na le bonnete ba hore bohle re dumellana ka hore tswelopele ya setjhaba sa habo rona e itshetlehile haholo, kgatelopeleng eo re e etsang ya ho atolosa moruo wa naha le ho netefatsa hore melemo ya kgolo ya moruo e arolelwana ke batho bohle.
Ke ntho e tsebahalang hore, ka mora ho ba moruo o be le bothata ba ho tswela pele ho ya mafelong a bo-1980 le mathwasong a bo-1990, Afrika Borwa e ile ya bona nako e telele ya kgolo ya moruo e sa fetoheng haesale ho tloha ka ho ngolwa fatshe ha dipalopalo tseo ho qadileng ka 1940.
Dilemong tse Leshome tsa ho Qala, kgolo ya moruo e ile ya ba le palohare ya 3% ka selemo, mme hona ho ile ha ntlafala ho ya ho 5% ka selemo ka palohare ho tloha ka 2004 ho ya ho 2007.
E re ka ha keketseho e hodimo ya basebedisi, ka baka la mesebetsi le kuno e ntse e eketseha mmoho le infleishene le sekgahla sa tswala se theohang, e bile le seabo se seholo mabapi le hona, re kgothatswa ke ho thaotha ho batsi ha menyetla ya katoloso e nngwe hape e tswelang pele.
La pele, hona ho kenyelletsa sekgahla se hodimo sa dipeeletso ke mekga ya mmuso le ya poraefete. Mabapi le hona, dilemong tse hlano tse fetileng, re ne re eme ho 16% ya gross fixed capital formation jwalo ka persente ya Gross Domestic Product (GDP). Hona ho bakilwe ke ho potlakiswa ha dipeeletso tseo kajeno di emeng ho 22%, haufi le 25% eo re neng re e shebile hore re ka e fihlela feela ka 2014. Hona ke karolo e nngwe e tlileng ka mananeo a mmuso a ho atolosa dibopeho tsa motheo tsa setjhaba.
Hape ke sephetho sa maano a ho ntlafatsa tshebetso bakeng sa dipeeletso tsa mekga ya poraefete; le ho tsamaisa leano la tsa ditjhelete ka tsela e tla atolosa phihlelo ya ditshebeletso e fokotse bothata ba infleishene, mme ka yona nako eo e ntse e tiisetsa hore ho ba le botsitso le tswelopele tshebetsong tse kgolo tsa moruo.
Tsepamiso ya maikutlo diphetohong tsa tshebetso tse nyenyane tsa moruo dilemong tse leshome tse fetileng, le maiteko, haholoholo a haesale ho tloha ka 2004 a ho tlosa ditshita tse fapaneng tsa kgolo e bile le sephetho se setle.
Ka ona moya oo lenaneo la Tshebetso ya Kgolo e Potlakisitsweng hape e Kopanetsweng (AsgiSA) le kengwang tshebetsong, ho netefatsa hore ditshitiso tsohle tse jwalo ka tsa dibopeho tsa motheo, leano le mananeo a indasteri e nang le nyalano, diphepetso tsa bokgoni, ditshitiso tsa taolo le bokgoni ba ho sebetsa hantle ha ditshebeletso tsa mmuso di rarollwang ka tsela e tsepamisitseng maikutlo hape e latelang lananeno le itseng.
Moruo wa rona o se o sebeletsa pepeneneng haholo, mme haesale ka 1994 o ne o ntse o ba le nyalano butle le mokgwatshebetso wa lefatshe ka bophara. Ditheo tsa rona tsa ditjhelete ke mehlala e metle e re sireleditseng ka tsela e itseng mathateng a lefatshe a tsa moruo.
Empa, bonamo ba phihlelo ya tsona hara setjhaba sa habo rona e ntse e le ntho e ka tlase ho e lebelletsweng. Moruo wa rona o ntse o itshetlehile haholo merafong le temong bakeng sa diyantle. Ntle le mokgeng wa ditshebeletso, ha re eso bone katoloso e kgolo ha kaalo mekgeng ya bohlokwa, haholoholo tlhahisong.
Ka hoo, sekgahla sa kgolo ya diyantle ha se eso be hodimo hore se ka bapiswa le sa dinaha tse ding. Ke bona bofokodi bona bo bakileng kgaello e kgolo haholo ya Current Account haholoholo ha re kena kgolong e phahameng haholo.
Mme hobane re na le sekgahla se tlase sa polokelo, re ile ra tshwanela ho tshepela ho phallo tsa kapetlele tsa nako e kgutshwane ho thusa ka ditjhelete kgaello ekasitana le mananeo a rona a dipeeletso.
Tsena ke diphepetso tseo naha ya habo rona e tla lokela ho shebana le tsona bakeng sa ho tswela pele.
Ntho ya bohlokwa haholo ke ya hore: na kgolo ya moruo e lokela ho ba mabapi le eng Leruo le botjwa bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho?
Ka hoo, potso ya hore na kgolo e lokelwa ho arolelanwa ka ho lekana e lokela ho bopa tshiya ya bohlokwa menahanong yohle e mabapi le tsa moruo.
Sa bohlokwa hape, ho abelana melemo ya kgolo ho lokela ho kenyelletsa mekgwa ya ho sebetsa, ho netefatsa hore ho ba le mesebetsi e amohelehileng.
Ke nnete, hore re ka ba motlotlo ka rekoto ya hore pakeng tsa 1995 le 2003, moruo o ile wa bopa paloyohle ya mesebetsi e miliyone o le mong le halofo e metjha; mme sa bohlokwa le ho fetisisa, e ka ba mesebetsi e ka bang 500 000 ka selemo pakeng tsa 2004 le 2007.
Nakong ena ya moraorao tjena, e leng kgetlo la pele haesale re fumana demokerasi ya rona, ho theilwe mesebetsi e mengata ho feta batho ba bangata ba ntseng ba kena mmarakeng wa mesebetsi, mme hoo ho fokotsa sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi ho tloha ho 31% ka 2003 ho ya ho 23% ka 2007.
Le jwale, hona ha ho a tshwanela ho re fapohisa ditlamong tsa rona tsa ho tswela pele ho shebana le taba ya boleng ba mesebetsi ena, ho kenyelletswa le ditokelo le melemo e tla fumanwa ke basebetsi.
Ho abelana melemo ya kgolo hape ho lokela ho kenyeletsa ho kengwa tshebetsong ka potlako ha leano la ho fana ka menyetla ho bao ba neng ba e tingwa, ho kenyelletswa le Matlafatso e Batsi ya ba Batsho Moruong e leng Broad-based Black Economic Empowerment.
Hona ha se tsela e nngwe ya kgethollo ya borabe. Hantlentle, naha e sa etseng bonnete ba ho kenyelletsa setjhaba sa yona sohle maemong ohle a moruo moo ho hlakile hore e tla sebetsa ka tsela e ka tlase ho bokgoni ba yona ba sebele.
Ntlha ya hore mokga wa poraefete e salletse morao mabapi le ho fetola dipalopalo tsa tsamaiso le mesebetsi e hlokang bokgoni bo itseng, ntshetsopeleng ya kgwebo le tse ding ho etsa hore naha ya habo rona e be lenama haholo kgolong e hodimo.
Ho abelana melemo ya kgolo hape ho bolela ho ba le seabo se sebetsang hantle haholo hape se lekanang bakeng sa mmuso hore o sebedise ditjhelete jwalo ka sesebediswa sa kabo botjha le kabelano ya mosebetsi wa ho fana ka dintho tse ntle setjhabeng.
Ditho tse Hlomphehang le tla hopola dintlha tse ngata tse mabapi le ditaba tse amanang le meputso ya setjhaba. Le ha ho le jwalo, ke bolela mehlala e mmalwa feela ho fana ka setshwantsho sa kgatelopele eo re seng re e entse mmoho le diphepetso tseo re tobaneng le tsona.
Mmuso o ntse o tseba ka bofuma bo jeleng setsi bo ntseng bo hasane hara setjhaba sa heso; ekasitana le boemo bo hodimo haholo ba ho se lekane.
La pele, bofuma ba tsa ditjhelete bo theohile haholo haesale ho tloha mathwasong a sentjhuri. Boholo ba phokotso bo bakilwe haholo ke katoloso ya ditshenyehelo tsa dithuso tsa setjhaba ho tloha ka 2002 ho ya pele. Ntlafalo ena e bonahala ka phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo - ho theoha ka potlako ha bofuma ba thepa le hona ho etelletse pele ho theoha ha bofuma ba ditjhelete. La bobedi, Le ha diphokotso tsa bofuma di bile kgolo, ho se lekane ho eketsehile dilemong tsa bo-1990. La boraro, dintho tse ngata tse bopang bofuma le ho se lekane di hlwaya tjhebahalo e batsi ya leano [B]Bofuma bo fokotsehile haesale ho ba re be le diphetoho, empa ... ho se lekane ha ho eso ntlafale.
Hara malapa a kenyelletsang bana (ba ka hlaloswang e le ba dilemo tse 17 le ka tlase), palo ya malapa a tlalehileng hore ngwana o bolawa ke tlala e theohile haholo (ho tloha ho dipersente tse ka hodimo ho 31 ho ya dipersenteng tse 16) pakeng tsa 2002 le 2006. Hona ho bolela hore boemo ba bofuma bo ntlafatse haholo, haholoholo hara batho ba tinngweng tsa thekolohelo haholo. Tlala e fokotsehile ka halofo dilemong tse nne tse fetileng.
Le jwale, dintho tsena tseo ba di boneng di tiisetswa ke diphuputso tsa rona, tse bontshang hore bofuma ba tjhelete haholoholo hara setjhaba sa ma-Afrika le Makhalate bo theohile, e ka ba hona ho tlile ka baka la sekgahla se hodimo sa mesebetsi le phihlelo ya dithuso tsa setjhaba. E re ka ha palo ya baamohedi ba dithuso e ne e le 2,5 miliyone ka 1999, ka 2008 palo ena e ile ya nyolohela ho 12,4 miliyone.
Hona ho bakilwe haholo ke katoloso e kgolo ya phihlelo ya Dithuso tsa Sapoto ya Bana, e ileng ya eketseha ho tloha ho baamohedi ba dikete tse 34 ka 1999 ho ya ho ba 8,1 miliyone ka 2008.
Jwalo ka karolo ya ho kenya letsoho kunong ya mafutsana, sebeo sa menyetla ya mesebetsi e ka bang 1 miliyone ka Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba e ile ya fihlelwa ka 2008, selemo pele ho nako e behuweng ka ho ya ka thomo ya bakgethi ya 2004. Hona ho bopile kgonahalo ya ho atolosa haholo lenaneo lena le ho ntlafatsa boleng ba lona.
Mabapi le phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo ke malapa, dipalopalo di ya ipaka. Mohlala, phihlelo ya metsi a nwehang e ntlafetse ho tloha ho 62% ka 1996 ho ya ho 88% ka 2008; motlakase (58% ho ya ho 72%); tsamaiso ya dikgwerekgwere (52% ho ya ho 73%).
Bopaki ba moputso wa setjhaba bo bonahala hape le dintlafatsong tse kgolo tsa phihlelo ya dibaka tsa tlhokomelo ya motheo ya bophelo. 95% ya batho ba Afrika Borwa jwale ba se ba dula bohole ba sa feteng dikilometara tse 5 ho tloha dibakeng tsa tlhokomelo ya bophelo, mme re bolellwa hore ditliliniki jwale di se di kgona ho fihlela metsi a tshwarehang. Tshebetso tsa moento wa bana di eketsehile ho ya ho 85%, mme ditlaleho tsa malaria di fokotsehile haholo.
Re a kgothala hape moyeng ha e le mona diphuputso di supa hore sewa sa HIV se ntse se ba le botsitso athe hape ho na le phokotseho e nyenyane ya sekgahla sa tshwaetso.
Hodima moo, lenaneo la rona la kalafo ka di-antiretroviral ha se le leholo feela lefatsheng, empa le ntse le hola ka dinako tsohle, moo ho nang le bakudi ba ka hodimo ho 690 000 ba seng ba qadile ka kalafo ya di-antiretroviral haesale ho ba lenaneo lena le qale.
Empa dibaka tse ngata tsa tlhokomelo ya bophelo ka mehla ha di na meriana e hlokehang, basebetsi ba tshwanetseng, le phepelo e tshwanang ya ditshebeletso tsa motheo tse jwalo ka metsi a hlwekileng a tsamayang ka dipeipi mmoho le motlakase. Ho tse ding tsa dibaka tsena, tsamaiso e ya fokola mme boitshwaro ba basebetsi bo hloka ntlafatso.
Thutong, re bone ho theoha ha reshio ya matitjhere: le baithuti; mme e batlile e tshwana le dinaheng tse ding ka ho ya ka ngodiso ya baithuti boemong ba sekolo sa poraimari; le ntlafatso palong ya baithuti ba atlehang dithutong tsa mmetse, mme hona ke mehlala feela e mmalwa.
Ho sa le jwalo, ho entswe maiteko a mangata mabapi le ho ntlafatsa dibopeho tsa motheo dibakeng tse futsanehileng.
Re a tseba hore palo tsa bao ba tlohelang dithuto tsa bona dikolong tsa disekondari le thutong e phahameng e hodimo ka tsela e sa amohelehang, mme mokgwatshebetso wa thuto o lokela ho hlahisa mefuta e hlokehang ya bokgoni bo batlehang setjhabeng sa habo rona.
Hodima moo, ditlwaelo tsa tshebetso, ka bobedi ka ho ya ka ho ruta le ho ithuta, di bontsha ho ba teng ho bakang matshwenyeho ha dikarohano tsa setjhaba tsa nakong e fetileng.
Ho fapana haholo le seo re se buwang, hantlentle moo thuto e hlokehang haholo bakeng sa ho thusa bofumeng, ke hona moo dibopeho tsa motheo, tsamaiso le bokgoni ba matitjhere bo leng tlase haholo.
Mananeo a mmuso a ho hlokomela setjhaba le ona a ntlafaditse motheo wa mafutsana, ka mokgwa wa phano ka matlo - moo ho fanweng ka matlo a nang le disaposidi a 2,6 miliyone.
Re lokela ho ananela taba ya hore lenaneo la kabo botjha ya mobu ekasitana le tshehetso ya ka mora ho fihlela ditharollo le ka be le sebeditswe ka potlako le ka tsela e ntlafetseng.
Ka kakaretso, re motlotlo ka kgatelopele ya mananeo a rona a thuso ya setjhaba. Empa re ke ke ra ikgotsofatsa feela ka diphetoho tsa dipalo tsa dintho.
E ka ba thutong, bophelong, matlong, metsing kapa tsamaisong ya dikgwerekgwere, potso e nngwe eo re tobaneng le yona letsatsi le letsatsi mme yona ke ya hore na re tla ntlafatsa jwang boleng ba ditshebeletso tsena! Mabapi le hona re ntse re na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya.
Bothata ba botlokotsebe e ntse e le sesosa se seholo sa ho se sireletsehe ha batho ba Afrika Borwa. Boiphihlelong ba bona ba letsatsi le letsatsi, dibakeng tse futsanehileng ka ho tshwana, ke e nngwe ya dintho tse bakang ditlhaselo tse kgopo.
Hara ditheo tsa mmuso le tsa poraefete, kgonahalo ya ho ba le dikimi tsa bolotsana tse inkelang ka tsela e sa lokang mehlodi ya thuso ka bobodu ka mehla, ke yona ntho e re tshwenyang.
Paloyohle ya botlokotsebe, jwalo ka ha e ile ya nyoloha ka 2002, e ntse e theoha ha jwale. Ho ka hlahiswa mefuta e fapaneng ya dipalopalo ho bontsha bopaki ba hona.
Empa re a tseba hore phokotseho ya bona ha e tsamaye ka potlako ka mokgwa o tshwanetseng, ebile ha e latele le sekgahla sa 7-10% seo re neng re ipehetse sona dihlopheng tse fapaneng tsa botlokotsebe. Ntlha ya hore diketsahalo tsa ditlatlapo tse mpe haholo tsa malapeng le dikgwebong di ntse di eketseha, mme le botlokotsebe kgahlanong le basadi le bana ha bo a theoha ka tsela e bonahalang, ena ke e nngwe ya dintho tse ding tse re tshwenyang haholo.
Hona ho supa bofokodi dibakeng tseo re dulang ho tsona, haholoholo mabapi le ho bopa dikamano tsa baahi tse tla re thusa ho thibela le ho lwantsha botlokotsebe. Hona ho supa bofokodi tshebetsong tsa rona tsa toka e lwantshang botlokotsebe, ho tloha diphuputsong tsa botlokotsebe ho ya tlhabollong ya batshwaruwa. Ho supa bofokodi bokgoning ba ho sebetsa ba makgotla a rona a dinyewe, ka ho ya ka botekgeniki le dibopeho tse ding tsa motheo le tsamaiso.
Tsena ke tsona ditaba tseo ntlafatso e felletseng ya mokgwatshebetso wa toka e qadileng ho shebana le tsona.
Empa, ha re batla ho ba hlokolosi haholo ka borona, ha re a tshwanela ho se tsotelle ntlha ya hore seo re se lekolang ke mokgwa o natefelwang haholo ke tumello e ntlafetseng eo re kileng ra ba le yona mona naheng ya habo rona.
Hona ke ka baka la diphetoho tseo ditheo tsena di fetileng ho tsona, ka ho ya ka dithuto tsa tsona tse theilweng hodima ditokelo tsa botho, sebopeho sa dipalopalo tsa tsona, le mekgwa ya tsona ya boikarabelo.
Empa ha re se keng ra ithetsa: jwalo ka bophelo ba rona bohle, diphetoho tsena di sa ntsane di le maemong a hlahellang a ho qala. Re ntse re na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya.
Ke na le bonnete ba hore Ditho tse Hlomphehang di tla dumela hore botho ba puso ya rona ya demokerasi bo tla fumana kelo hloko haholo bakeng sa bao ba sa sireletsehang setjhabeng.
Mabapi le hona, re entse hore ka melao, dilekane tsa matjhaba, melawana le matsholo hore ho tiisetswe maiteko a matla a ho ntlafatsa maemo a bana, basadi, batho ba sa itekanelang le maqheku.
Ka matsholo a tshehetso le ka baka la tshebedisano tseo re di bopileng le mekgatlo e emelang dihlopha tsena tse sa sireletsehang, re ntlafaditse temoso mabapi le ditaba tse ba amang, mme ra tswela pele ho kgothaletsa ho etsa hore matshwenyeho a bona a be karolo ya dintho tsohle tseo ho shebanweng le tsona.
Re na le rekoto e motlotlo haholo, moo malapa ao dihlooho tsa ona e leng basadi ba ileng ba fumana karolo e hodimo ya moputso wa setjhaba ho kenyelletswa le kaho ya matlo, le tlhokomelo ya bophelo, le hore hara mananeo a mang a atlehileng ho bile le matsholo a ho enta le ho fepa bana.
Empa phihlelo ya mesebetsi e ntse e le bothata bo boholo bakeng sa basadi ba mahaeng, batjha le batho ba sa itekanelang. HIV e na le sephetho se sebe haholo basading ba sa leng batjha. Tshebediso ya dikgoka basading le baneng e hodimo haholo.
Tsena tsohle ke mosebetsi wa nakong e tlang.
Tsena ke tse ding tsa dikgatelopele tseo demokerasi e re tliseditseng tsona, le kgatelopele eo mmuso o e entseng ho phethahatsa thomo ya bakgethi.
Ha se ho ikotla sefuba ha re re tekanyo ya kgatelopele eo re seng re e fihletse haesale ka 1994 e bile e kgahlisang haholo. Empa le teng ha ho na pelaelo hore diphepetso le tsona di ntse di le kgolo.
Ke tsamaile tsela eo e telele e lebileng tokolohong. Ke lekile hore ke se etse diphoso, tseleng ke ile ka hata ka leoto leo e seng lona ka dinako tse ding. Empa ke utullutse sephiri sa hore ho hlwella leralla le leholo, o tla fumana hore ho na le maralla a mang a manyenyane a mangata ao o lokelang ho a hlwa. Ke nkile nakwana mona hore ke phomole, hore ke bohe tikoloho ena e ntle ka ho fetisisa e mpotileng, hore ke hetle ke shebe morao leoto leo ke le tsamaileng. Empa nka nna ka phomola hanyenyane, hobane tokoloho e tsamaya le maikarabelo, mme ha ke batle ho salla morao, hobane tsela ya ka e telele ha e eso fele.
Dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale batho ba naha ya habo rona ba tla ikgethela baetapele bao ba batlang hore ba ntshetse pele mosebetsi o kgabane wa molwanela tokoloho enwa le bathei ba bang ba demokerasi ya rona.
Le ha ditsela tseo re di sebedisang di ka fapana, maikemisetso ao re batlang ho a fihlela a hlakile hape ha a rarahana jwalo ka ha a hlahella Molaong wa rona wa Motheo: ho thea setjhaba se kopaneng, se se nang kgethollo ya borabe, se se nang kgethollo ya bong, sa demokerasi hape se atlehileng se tla ba le seabo se nang le tshepo kahong ya lefatshe le ntlafetseng.
Dilemong tse tsheletseng tse fetileng, baetapele ba batho ba habo rona ba ile ba kopana Sebokeng sa Kgolo le Ntshetsopele mme ba fihlela tumellano ka mesebetsi eo bohle re lokelang ho e etsa bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba batho ba Afrika Borwa, haholoholo ho fokotsa bofuma ka halofo ho ya selemong sa 2014.
ho kgothaletsa toka, ho ntshetsa pele bokgoni, ho bopa menyetla ya moruo le ho atolosa ditshebeletso; le ketsahalo tsa ka hara naha, le ho kengwa tshebetsong bakeng sa ntshetsopele, ho kenyelletswa le phano ya dibopeho tsa motheo le phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo.
Ke na le bonnete ba hore, jwalo ka karolo hape le ka hodima, maikemisetso ana, batho ba Afrika Borwa ba ke ke ba fapana mabapi le ho batla ho ntlafatsa mokgwa rona wa tshebetso wa thuto, ho fana ka tlhokomelo ya bophelo e sebetsang hantle, e amohelehileng hape e lekanang, ho ntshetsa pele dibaka tsa rona tsa mahaeng le ho etsa hore ho ba le polokeho ya dijo, ekasitana le ho matlafatsa ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu.
Ke bolela ditaba tsena e seng feela hobane di akaretsa, kapa ka ho hlwaya tsona, re ka lokisa dintho tsohle tse sa lokang setjhabeng sa habo rona. Empa, ke kgethile ho etsa jwalo hobane ke batla ho tiisetsa ntlha ya hore Afrika Borwa ha e sotlwe ke ho haellwa ke mehopolo. Phepetso ya rona ke ho fetolela mehopolo ena ho ba mananeo le diprojeke tse tla thusa ho qala mesebetsi ka tsela e sebetsang hantle haholo.
Mme batho kajeno ba tobane le kotsi ya hore bakeng sa ho fihlela maikemisetso ana hoo ho ka kgutlisetswa morao ka dilemo tse ngata, ka baka la bothata ba tsa moruo boo lefatshe lohle le tobaneng le bona.
Seo motheong wa sona se qadileng e le bothata ba ditjhelete hara ditheo tse mmalwa tse kadimisanang ka ditjhelete se qetelletse e le bothata bo ammeng lefatshe lohle, ka ditlamorao tse sa kgahliseng bakeng sa tlhahiso le kgwebo.
Re ka seholla meharo, tshebediso ya dinako tse kgutshwane le ho se tsotelle ha batsamaisi ba dikhampani tse kgolo tse potlakisitseng bothata bona. Re ka tshwaya phoso mananeo a mmuso a sa kang a shebana le hona mme a dumella hore bothata bona ba mebaraka bo kenelle ho mekgwatshebetso ya rona ya ditjhelete. Re ka etsa hona hohle, mme re tla be re na le tokelo ya hoo.
Empa mosebetsi wa rona o moholo hape o potlakileng ke ho ananela ka botlalo ditlamorao tsa diketsahalo tsena moruong wa rona le lebatoweng la rona, mme re hlahise mekgwa ya ho fana ka dikarabo tse tla fokotsa sekgahla sa hoo, haholoholo dikarolong tse sa sireletsehang tsa setjhaba sa habo rona.
Seo re se tsebang ke hore karolo ya taolo ya naha ya habo rona mmoho le maano a dibajete ao re a amohetseng a re thusitse ho qoba sephetho se sebe ka ho fetisisa sa bothata bona.
Empa bohle re tseba hantle hore, hobane re kene haholo moruong wa lefatshe, kopo ya diyantle tsa rona e fokotsehile; phihlelo ya ditjhelete le phallo ya kapetlele e mpe haholo; tseko e tlase e bakile ho fokotseha ha tlhahiso; ho thehwa ha mesebetsi ho amehile hampe haholo, mme dikarolong tse ding ho fokotswa ha batho mosebetsing ke ntho ya sebele.
Mathata ana a kopane le nako eo ka yona infleishene le sekgahla sa tswala di leng hodimo haholo.
Kaofela ha tsona, ketsahalo tsena ke matshwao a bontsha kuno eo re e hlokang bakeng sa ho atolosa phano ya ditshebeletso le ho kenya tshebetsong diprojeke tsa rona tsa dibopeho tsa motheo. Ka hoo, re qobelletswe ho fokotsa tjhebelopele ya rona mabapi le kgolo le ho thehwa ha mesebetsi.
Re a tseba hape hore Afrika Borwa ha ya ameha hampe hakaalo ho feta dinaha tse ding tse ngata. Ka nnete, nako eo ka yona dinaha tse ding di bang le mathata a tsa moruo ka yona, Afrika Borwa le kontinente kaofela ba shebile kgolo, le ha e le ka mokgwa o tsamayang butle.
Mabapi le hona, Ditho tse Hlomphehang, ke motlotlo ho tlaleha hore dikamanong tse pakeng tsa Ofisi ya Mopresidente le baetapale ba basebedisani ba fapaneng ba setjhaba, re dumetse ka kopanelo ho hlahisa mekgwa e tla fokotsa sephetho sa bothata bona setjhabeng sa habo rona.
La pele, mmuso o tla tswela pele ka diprojeke tsa ona tsa peeletso setjhabeng, tseo boleng ba tsona bo nyolohetseng ho R690-biliyone bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Mabapi le hona, moo ho hlokehang, re tla fumana ditsela tse nang le tshibollo tsa ho bokella ditjhelete.
Hona ho tla kenyeletsa tshehetso ya ditheo tsa rona tsa ntshetsopele ya tsa ditjhelete le ditjhelete tsa kadimo ho tswa di-ejensing tsa matjhabeng, ekasitana le tshebedisano le mokga wa poraefete le tshebediso ya mehlodi ya thuso e tla laolwa ke basebetsi e jwalo ka matlole a penshene.
La bobedi, re tla matlafatsa mananeo a mesebetsi ya mmuso. Ka lehlakoreng le leng, merero ya ho atolosa mesebetsi mekgeng e jwalo ka ya bophelo, ditshebeletso tsa setjhaba, thuto le di-ejensing tsa ho kenya molao tshebetsong e tla tswela pele. Ka lehlakoreng le leng, re tla potlakisa ho kengwa ha mokgahlelo o latelang wa Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba.
La boraro, ho ka nkuwa mehato ya tlhakiso ka hara mokga wa poraefete ho sebetsa kgahlanong le ho theoha ho hoholo ha dipeeletso le ho kwalwa ho sa hlokeheng hwa metjha ya tlhahiso kapa dipolante.
Ka karolong ya ona, mmuso o tla fetola thuso ya ditjhelete ya indasteri le disebediswa tsa kgothaletso ho thusa ho shebana le diphepetso mekgeng e fapaneng, hape le ho kgothaletsa ditheo tsa ntshetsopele ya tsa ditjhelete ho thusa difeme tse mathateng ka baka la bothata bona.
Ho tla shejwa ditsela tse ding tse fapaneng le tsa ho behela batho ka thoko, ho kenyelletswa le matsatsi a phomolo a matelele, thupelo e ekeditsweng nako, nako e kgutshwane le ho abelana mosebetsi. Hona ho tla kopangwa le kgothaletso ya letsholo la ho ba motlotlo ka ho reka dintho tsa Afrika Borwa e leng Proudly South Africa le ho nka mehato e matla kgahlanong le ditswantle tse seng molaong.
La bone, mmuso o tla ntshetsa pele le ho atolosa ditshenyehelo tsa setjhaba, ho kenyelletswa le ho eketsa phihlelo ya dithuso tsa sapoto ya bana ho ya fihla baneng ba dilemo tse 18, le ho fokotsa dilemo tsa ho tshwaneleha pele o ka fumana penshene ya boqheku hore e be dilemo tse 60 bakeng sa banna.
Hodima mona, re tla sebedisa ka bophara lenaneo la thuso ya setjhaba le tsejwang ka Social Distress Relief Grant le mehato ya tshireletso ya dijo haholoholo hape bakeng sa ho tsepamisa maikutlo ho bao ba sa sireletsehang ka Letlole la Inshorense ya Tlhokeho ya Mosebetsi (UIF) kapa bao ba qetileng dibenefiti tsa bona.
Re tla tswela pele ho ba le kelo hloko e ikgethang ho phepetso ya boitshwaro ba ho ba kgahlanong le tlhodisano ka lehlakoreng la tse ding tsa dikoporasi tsa rona. Mabapi le hona re rata ho tlotla Khomishene ya Ditlhodisano bakeng sa letsoho le matla leo ba le bontshang ka ho etsa bonnete ba hore bao ba tlolang molao ba qoswe.
Le ha ho le jwalo re tshepa hore setjhaba se tla ntshetsa pele boemo ba sona ba boitseko ho etsa bonnete ba hore, hara tse ding, ha ditheko di ntse di theoha, molemo oo o fumanwe ke batho bohle.
Mehato ena e potlakileng e tla susumetswa ke motheo wa leano la tsa ditjhelete. Le ha ho le jwalo, re tla etsa bonnete ba hore maemo a ho kadima ditjhelete ke mmuso e ba a elang hloko hape a tswelang pele. Hona hape ho bolela phokotso e potlakileng ya dikoloto tsa mmuso ha maemo a ka ntlafala.
Maiteko a rona hape a tla susumetswa le ke kananelo ya hore mehato ya ho sireletsa tikoloho le ho fokotsa sekgahla sa ho fetoha ha tlelaemete ho ka ba hape le seabo sa ho thea mesebetsi.
Ka bobedi dikopano tsa G20 le dikamano tse ding ditheong tsa dinaha tse ngata tse kopaneng, mmuso wa rona o entse boipiletso bo potlakileng ba hore ho kenwe dipakeng haholoholo dinaheng tse tswetseng pele moo bothata bo hlahileng teng le moo bo leng bobe le ho feta. Re dumela hore nako e se e fihlile ya ho matlafatsa melawana ya ka hara naha le ho lebela mokgwatshebetso wa ditjhelete; empa ho feta mona, tekolo e matla le mohato o tla nkuwa lefatsheng ke dintho tse hlokehang ka mokgwa o ke keng wa qojwa.
Sa bohlokwa, re lokela ho sireletsa bokgabane ba mokgwatshebetso wa kgwebo ya lefatshe, re phethe ditherisano tsa ha jwale tse mabapi le Doha Round tsa ditherisano tsa kgwebo ya lefatshe, le ho netefatsa hore thuso ya ntshetsopele ha e kgellwe tlase.
Thuto e tsamaelanang le boiphihlelo bona ke ya hore re hloka tshebedisano tse matla hara bathahaselli ba bang le seabo moruong mona ka hara naha le matjhabeng, e seng feela ho qeta sephetho sa bothata, empa hape ho kenya mehato e tla thibela hore hona ho boele ho hlahe hape.
Naheng ya habo rona, re tla qala ka ketsahalo tsena jwalo ka karolo ya tshebetso ya ho beha setjhaba sa habo rona kgolong e hodimo le tseleng ya ntshetsopele. Bolelele ba nako ya ho fihlela tsela e hodimo e ka nna ba bo atolositswe ka mokgwa o itseng. Empa ha re na pelaelo ya hore nako e tla fihla ka potlako.
Mabapi le hona, hore na re beha naha ya rona boemong ba ho fihlela menyetla e fapaneng e re tobileng, e tla ba ntho ya bohlokwa haholo. Ke bua mona haholoholo ka Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 ekasitana le Mohope wa Kopanelo dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale. Hantlentle diprojeke le merero yohle e se e phethilwe kapa e ntse atamela ho phethahaleng - ho tloha ho mabala a dipapadi, dibopeho tsa motheo tsa dipalangwang, maemo a tshireletso, ditaba tsa bodulo, ho ya mererong ya bophelo bo botle le bofalling - ho tiisetsang tshepo karolong ya tsa dipapadi tsa bolo ya maoto, ho bolelang hore thonamente ya rona ya bolo ya maoto e tla ba e atlehileng haholo.
Mme re dumela hore, ka mora phenyo tse hlano tse latelanang, sehlopha sa rona sa naha sa bolo ya maoto se ikemiseditse ho sebetsa ka makgethe haholo!
Empa ka hodima hona, sephetho sa hona sa nnete e tla ba sa bokgoni ba rona ba ho bontsha bokgoni ba kamohelo ya baeti le botho ba Afrika Borwa mmoho le Afrika - ho fetola le mehopolo eo batho ba lefatsheng ba nang le yona ka naha ya habo rona le kontinete ya habo rona. Hona ho tla itshetleha ho rona bohle, mme bohle ha re ineeleng.
Re rata hape le ho lebohisa dihlopha tsa rona tsa dipapadi tse ntseng di ntshetsa pele maiteko a Afrika Borwa a ho fihlela boemo bo kgabane selemong se fetileng. Re lebise hape le tlotlo e ikgethang sehlopheng sa rona sa cricket ka ho ba boemong bo hodimo lenaneng la lefatshe.
Dibekeng tse pedi tse sa tswa feta, Afrika Borwa e ile ya phetha le naha ya Mali karolo ya diakhaeve tsa ho sireletsa dingolwa tsa boholoholo tsa Timbuktu.
Botjhaba bona bo matla bo supa hore Afrika ke yona mohlodi wa saense le dingolwa, filosofi le kgwebo, mme e sitiswa ke kgwebo ya makgoba le bao ba habileng moruo wa Afrika.
Tshebetso ena e lokela ho re susumeletsa hore re sebetse mmoho le dinaha tse ding tse leng kontinenteng ya rona le kantle ho yona ho ntlafatsa boemo ba batho.
Le jwale, dilemong tse 15 tse fetileng re sebeditse ka matla ho netefatsa hore Afrika e ba le ntjhafatso eo hantlentle e leng ya Sentjhuri ya Afrika. Butle empa ka nnete, kontinente ya rona e hatela pele ho tlisa tsosoloso ka kgahleho ya batho ya ho hlwella hodimo ho lenanetaba la baetapele ba bona, e tsitlallela ho bontsha tshepo le matla a yona lefatsheng lohle.
Ke hona, mme hona feela, ho entseng hore re nne re tswele pele ho thusa batho ba Zimbabwe thore ba fihlele tharollo e saruri ya mathata naheng eo. Mabapi le hona re rata ho lebohisa mahlakore ohle a amehang mane Zimbabwe bakeng sa ho phetha ditherisano, ho fana ka sephetho seo haesale se ntse se lebelletswe ke batho ba naha eo le sapokontinente ka bophara: e leng sa, mmuso o nang le botsitso hape o amohelehileng o ikemiseditseng ho shebana le diphepetso tseo batho ba tobaneng le tsona. Re bile le tshusumetso ya sebele, maobane mona ha Palamente ya Zimbabwe e ne e fetisa Phetolo ya 19 ya Molao wa Motheo, e hlomang motheo wa ho kenya mmuso o akaretsang.
Mabapi le hona re ka qolla ka ho ikgethang mothusi wa SADC, eo e neng e le Mopresidente Thabo Mbeki le sehlopha se sebeditseng ka matla ho etsa tshebetso ena e fihle pheletsong e atlehileng.
Jwale mosebetsi wa kaho botjha o ka qala ka sebele; mme Afrika Borwa e se e le malalalaotswe ho thusa kae kapa kae moo e ka kgonang. Mabapi le hona, ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho thusa ho sebetsana le bothata ba tsa botho naheng eo. Re na le tshepo hore, hobane ba tsotella baahi ba matjhabeng ba tla sebedisana le batho ba Zimbabwe jwalo ka ha ba kena tseleng e ntjha.
Re a kgothala hape hore, eng kapa eng e bohehang e tshwanela sebopeho sa kgatelopele ya batho ba Democratic Republic of Congo jwalo ka ha ba lebile botsitsong le katlehong, kgatelopele e ke ke ya sitiswa.
Tshebedisano e ileng ya botjwa haufinyane tjena pakeng tsa baetapele ba DRC le ba Rwanda e bontsha tshepiso ya ho ntshetsa pele ditaba tsa tshireletso ha ho sebetsanwa le mathata a botho; empa, re na le tshepo, hape mabapi le dipuisano tsa dipolotiki. Ka tsela e tshwanang, re tla tswela pele ho sebetsa le dinaha tse ding le Kopano ya Matjhaba ho pheella ho fihlella maikemisetso ana mane Burundi, Sudan, Western Sahara, CÃ´te d'Ivoire, Somalia le dinaheng tse ding.
Jwalo ka ha ho bonwe ka ntshetsopele tse ding dikgweding tse mmalwa tse fetileng, Afrika Borwa e tla sebedisa monyetla wa bodulasetulo ba SADC ho matlafatsa setheo sena sa bohlokwa sa lebatowa, ka pheello e kgolo ya ho kengwa tshebetsong ditharollo tsa Seboka le ho matlafatsa kopano e yang ka leano ya lebatowa.
Ka mehla re tla leka ho matlafatsa tshebedisano le dinaha tsena ha re ntse re pheelletse ho fihlella ho tla ba hotle bakeng sa batho.
Re lehlohonolo hobane selemong sena re qetella ho keteka dilemo tsa ho qala tse leshome tsa dikamano tsa bodiplomatiki le People's Republic of China. Dilemong tsena tsohle, ho ile ha hlaka ho feta pele hore ho na le molemo o fumanwang ke dinaha tsena ka bobedi ka tshebedisano ya rona.
Re rata hape le ho tiisetsa boitlamo ba rona ba dikamano tseo re bileng le tsona le naha ya Brazil le ya India ka IBSA; mme hape le ho matlafatsa ditlamo tseo naha ya rona e di bopileng le naha ya Russia, le dinaha tsa Asia, Middle East, ekasitana le Latin le North America.
Ka makgetlo a mangata re ile ra hlahisa matshwenyeho a rona ka ho ba teng ha dithulano tse sa feleng tsa Middle East ka kakaretso le Israel le Palestine haholoholo. Re swabile haholo ka dintwa tse sa tswa ba moo le ka tahleho tsa maphelo a batho ka bongata, haholoholo baahi - ho kenyelletswa bana, basadi le maqheku - mme hona re hloka le tsela ya ho ho hlalosa.
Ha ho na tsela ya ho ka dumella ketso tsa mokgwa ona tsa tshenyo le ketso tsa batho ba hlaha. Mme re tshepa hore jwale, maiteko a ntjhafaditsweng a dinaha tsa matjhaba a ho fumana tharollo e sa feleng mabapi le dintwa tsena a atleha, e le hore ma-Israel le ma-Palestina ba fumana kgotso le tshireletso jwalo ka baahisani dinaheng tsa bona.
Ditebohiso tse ikgethang ho mmuso le batho ba Cuba ha ba keteka sehopotso sa dilemo tse 50 tsa ho fihlela boipuso ba bona, le tokoloho ya ho kgetha tsela eo e leng ya bona ya ntshetsopele.
Selemong se fetileng re kgonne ho phetha ditherisano le European Union ka tshebedisano ya rona e yang ka leano, mme re tshepa hore moya o neng o rena ditherisanong tseo o tla hlahella jwalo ka ha re qetella ditherisano tsa Ditherisano tsa Tshebedisdano Moruong le dinaha tsa lebatowa.
Re shebile ho ntshetsa pele mokgwa wa ho matlafatsa tshebedisano ena ha re tla be re amohela Seboka sa South Africa-EU ha morao selemong sena.
Mmoho le dinaha tse ding tsa ka Borwa re tla tswela pele ho latela tshebetso ya tlhophiso botjha ya Matjhaba a Kopaneng, International Monetary Fund le ditheo tse ding tse fapaneng hore di bontshe lefatshe le fetohileng mme le sebetsang hara demokerasi, le ka tsela e lekanang hape e pepeneneng.
Re itlama hape le ho fihlela maikemisetso a ditumellano tsa matjhaba, ho kenyelletswa le Kyoto Protocol mmoho le tse latelang bakeng sa molemo wa meloko ya nakong e tlang hara batho ba habo rona le batho ba lefatshe.
Sa bohlokwa mabapi le maiteko a rona ke metheo e mebedi ya bohlokwa: tlhokeho ya hore re phethe thomo e fuweng mmuso ona ka 2004 le bohlokwa ba ho etsa bonnete ba hore mmuso o tla kena ka mora dikgetho o fumana kalana e seng e le malalalaotswe bakeng sa ho kenya tshebetsong mananeo a ona ntle le tieho.
Dikgweding tse mmalwa tse tlang, ho tla ya ka dikgetho tsa naha le tsa diprovense, re tla leka ka matla ho phetha thomo eo.
ho matlafatsa maiteko a ho lokisa mokgwatshebetso wa tsa toka, ho kenyelletswa le ntlafatso ya bokgoni ba forensiki, keketseho e potlakileng ya palo ya mafokisi, ho sebediswa ka mokgwa o felletseng wa thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano, le taolo e ntlafetseng ya makgotla a dinyewe; le ho thusa tshebetso ena eo sepheo sa yona e leng ho matlafatsa mekgwa ya ho sebetsana le ditaba tsa tekano ya bong jwalo ka boemedi ba 50/50 dibopehong tse etsang diqeto, ntshetsopele ya batjha, ditokelo tsa batho ba qhwadileng le ditokelo tsa bana - ho kenyelletswa le ho phetha ditherisano tse mabapi le Pholisi ya Naha ya Batjha, ho lokisetsa ho kengwa tshebetsong ha Tjhata ya Batjha ya Afrika hang ho ba e sebetswe ke Palamente, le ho hloma Ejensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha, ho romelwe Prothokholo ya SADC e mabapi le Bong le Ntshetsopele Palamenteng; ho tiiswe boemedi mabapi le ditokelo tsa batho ba qhwadileng, mme ho atoloswe palo ya bomasepala ba hlommeng di-Focal Point tsa Ditokelo tsa Batjha ho ba ka hodimo ho 60% ya ha jwale.
Hona mmoho le mananeo a rona, ho kenyelletswa le Dintho tse ka Hodimodimo Lenaneng la tse Lokelwang ho Etsuwa tse ileng tsa hlwauwa Puong e mabapi le Maemo a Naha Hlakola selemong se fetileng, ho bopa motheo wa maiteko a rona a ho phetha thomo e tsebahalang le ho hloma motheo wa nakong e tlang.
Re tla matlafatsa maiteko a rona re susumetswa ke mafolofolo, tshepo le ho sebetsa ka matla ha batho ba Afrika Borwa jwalo ka ha ba pheelletse ho fihlela ho hotle ho rona bohle. Hona, mme hona haholo, ke hona ho leng mohlodi wa tshepo ya rona ha re re naha e botjwa ke puso e ntle. Demokerasi ya rona e sebetsa hantle haholo. E ntse e hola butle.
Ke a leboha.
<fn>10022610451001.txt</fn>
Re thabela ho ba le lona bosiung bona ba bohlokwa hakana.
Ke eme ka pele ho lona bosiung bona, dilemong tse 20 ho tloha ha Mopresidente Nelson Rolihlahla Mandela a ne a tswa kgolehong.
Re kgethile letsatsi lena e le la ho bitsa Palamente ya Kopanelo ho etsa puo e mabapi le Maemo a Setjhaba, ho keteka motsotso ona wa bohlokwa o fetotseng naha ya rona.
Ho lokollwa ha Madiba ho tlisitswe ke boitseko bo matla ba batho ba Aforika Borwa. Batshwaruwa ba dipolotiki ba mehleng le mekaubere e teng kwano e bile dipaki tsa seo hobane e ne le karolo ya taba eo.
Le tla hopola e le ka nnete hore boholo ba batho naheng ena, ka mekgahlelo e fapaneng, bo ile ba arabela ka maikemisetso kgoeletso ya ho hlokisa naha botsitso le ho etsa bonnete ba hore kgethollo ha e sebetse.
Re keteka letsatsi lena le batshwaruwa ba mehleng ba dipolotiki bao re ba memmeng ka ho ikgetha hore ba be le rona.
Re thabetse hore ditho tsa moifo wa molao wa nyewe ya Bohlabaphio ya Rivonia di be le rona; Lord Joel Joffe, ya seng a ahile London le Moahlodi Arthur Chaskalson.
Hape re hopola le ho lebisa hlompho ho Mongahadi Harry Schwarz, ya hlokahetseng beke e fetileng.
Re isa diteboho ho metswalle le bomphato ba matjhabeng, bakeng sa ho thusa ntweng ya rona ya ho fihlella tokoloho.
Re isa kamohelo e ikgethang ho lelapa la ha Mandela.
Lelapa lena e bile letshwao la ho intsha sehlabelo ho bohle ba utlwileng bohloko ka kgethollo. Re isa madume ho boetapele ba mokga o busang le bomphato ba bona, bao ho bona morero ono e leng wa bohlokwa ka tsela e ikgethang.
Letsatsing lena le ikgethang, re boetse re lokela ho ananela nyehelo ya boetapele ba National Party, bao qetellong ba ileng ba lemoha hore kgethollo ha e na bokamoso.
Ntumelleng hore ke hlahise karolo e bapetsweng ke Mopresidente wa mehleng PW Botha.
Ba bapetse karolo ya bohlokwa tseleng e neng e isa tokolohong ya Madiba.
Aforika Borwa e sa ntse e tla ananela ka botlalo, karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke Moporesidente wa mehleng wa ANC, wa Mphato Oliver Tambo, ya entseng motheo wa hore naha ena e be mohlala o motle wa tokoloho le demokerasi.
Ke boetapele ba hae bo hlwahlwa, tjhebelopele le pono e hlakileng tse entseng hore ANC e matlafatse tsela ya ditumellano tsa ditherisano.
Bohlale ba hae bo bonahetse tumellanong ya Harare, eo a e ngotseng le ho e etella pele.
Letsatsing lena le le holo, e re ke boele ke ananele karolo e bapetsweng ke mofu Mofumahadi Helen Suzman. Ke ka nako e telele, e le lentswe la hae feela palamenteng, le neng le lwanela diphethoho.
Re boela re ananela karolo ya Moetapele wa Inkatha Freedom Party, Morena Mangosuthu Buthelezi, eo le yena a lwanetseng ho lokollwa ha Madiba, le tokoloho ya batshwaruwa ba bang ba dipolotiki le ho kgutla ha babalehi ba dipolotiki.
Re sa boela re phetha ho leboha ho tloha botebong ba dipelo tsa rona ba dinaha tsa matjhabeng bakeng sa tshehetso ya bona e sa thekeseleng ntweng ya rona.
Dinako tsena tsa histori ya rona di bontsha bokgoni ba rona ba ho ipopa, le ka tlasa mathata a maholo, le ho beha ditabatabelo tsa naha ka pele ho ditabatabelo tse ding tsohle.
Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Selemong sena se hodimo, re tla tshwaya dilemo tse lekgolo tsa ho thehwa ha Kopano ya Aforika Borwa, e thehilweng ka 1910.
Sena se ile sa tswala mmuso o kopaneng.
Sa bohlokwa ke hore, ho qhelelwa ka thoko ha batho ba batsho. Kopanong ena e bile le leng la mabaka a maholo a hore Mokgatlo wa African National Congress o thehwe ka 1912.
Ha re tla be re tshwaya dilemo tsena tse lekgolo selemong sena, re lokela ho thuhisa le ho hopola tsela eo re e tsamaileng jwaleka naha.
Ke eme ka pele ho lona, e seng jwaloka moporofeta empa jwaloka mosebeletsi ya ikokobeditseng wa lona, setjhaba.
Boikitlaetso ba lona bo se nang ho lekanngwa ke bona bo entseng hore ke be mona kajeno.
Ha ho le jwalo, ke beha dilemo tse setseng tsa ho phela ha ka matsohong a lona.
Mantswe ana a re kgothatsa hore re se ke ra phomola ho fihlela re fihlella ditabatabelo tsa ho ba setjhaba se lokolohileng bofumeng le bohloking.
Dilemong tse mashome a mabedi e sa le Madiba a lokollwa, naha ya rona e fetohile haholo.
opresidente Mandela o kopantse naha ena ka sepheo sa ho re e hloke kgethollo ka bong, ka botjhaba, mme e be naha ya demokerasi le Aforika Borwa e tswetseng pele.
Kajeno ha re keteka tokoloho ya Madiba, ha re itlameng hore re tla aha bokamoso bo betere bakeng sa maAfrika Borwa oohle, ba batsho le ba basweu.
Ha re latelleng toro ena ya Madiba ya e lwanetseng bophelo ba hae bohle, toro ya setjhaba sa demokerasi se lokolohileng , moo batho ba phelang mmoho ka kutlwano le menyetla e lekanang.
Re bitsitse kopanelo ena ya palamente bosiu hore bongata ba batho ka naheng, basebetsi le bana ba dikolo, e be karolo ya morero ona.
Re kgahlisitswe ke morolo o bontshitsweng ke batjha ka morero ona. Bana ba 206 ba tswang diprovenseng tsohle ba bile teng dingangisanong tsa mantlha tse etellang pele puo e mabapi le Maemo a Setjhaba bakeng sa karolo eo batjha ba ka e bapalang twantshong ya bofuma.
Re kopana kamorao ho maemo a thekeselang a moruo wa lefatshe.
Ngwahola, re bile le maemo a mabe a moruo lekgetlo la pele dilemong tse 17. Maemo ana a mabe a moruo a entse hore re lahlehelwe ke mesebetsi e 900 000.
Boholo ba bao ba lahlehetsweng ke mesebetsi e ne e le bona ba jereng malapa a futsanehileng.
Selemong se fetileng ka Hlakola, mmuso, dikgwebo, baemedi ba basebetsi le baahi ba ile ba dumellana ka sehlopha sa mekgwa ya ho fokotsa sekgahla sa maemo ana a mabe a moruo.
Re kentse bongata ba mekgwa ena tshebetsong.
Re kentshe tshebetsong mekgwa e matla kgahlanong le maemo a mabe a moruo jwaloka mmuso ka ho kgina metheo ya setjhaba.
Bakeng sa ho bebofatsa mathata a bafutsanehileng, re potlakisitse ho nyollwa ha ditjhelete tsa letlole la thuso la tshehetso ya bana, mme ra eketsa dilemo tsa bana ba lokelang ho fumana tshehetso ya tjhelete ya thuso ka ho kenyeletsa le bana ba dilemo tse ka hodimo ho tse 14. Dilemong tse tharo tse tlang, bana ba tlatsetso ba dimilione tse pedi ba tswang malapeng le matlong a futsanehileng, ba dilemo tse 15 ho ya ho 18, ba tla una molemo letloleng la thuso ya tshehetso ya bana.
Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e beheletse ka thoko dibilione tse tsheletseng tsa diranta ho thusa dikhamphani tse tlokotsing.
Mmuso o tlile ka leano le bitswang "sekema sa thupello" bakeng sa ho fa basebetsi nako ya kwetliso ho na le hore ba fokotswe mosebetsing.
Mekutu ena e ile ya phahamiswa ke Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba la rona.
Setjhaba se tla hopola hore Puong ya Maemo a Setjhaba ka 2009, ke ile ka tsebisa hore Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi le tla hlahisa menyetla ya mesebetsi e 500 000 ka Tshitwe 2009.
Ena ke menyetla ya mesebetsi e hlahisitsweng ho fana ka menyetla ya mosebetsi ho batho ba sa sebetseng hore ba be le lekeno la tjhelete, le hore ba thole boiphihlelo le menyetla ya thupello.
Re thabela ho tsebisa hore mafelong Tshitwe, re hlahisitse menyetla ya mesebetsi e 480 000 ya mesebetsi ya setjhaba, seo e leng 97% ya seo re neng re se rerile.
Mesebetsi ena e dikarolong tse kang tsa ho aha, tlhokomelong tsa malapa le tsa baahi, le diporojekeng tsa tikoloho.
Re hlwaile dibaka tse itseng tsa ntlafatso, tseo re tla sebetsanang le tsona ho ya pele ho kenyeletsa le diporojeke tse batlang basebetsi ba bangata.
Re ya tseba hore tsena le mekutu e meng di ke ke tsa lwantshana le sefutho sa ikonomi e putlameng.
Re lebohela moya o motle wa lelapa, boahi le mosebetsi wa boithaopi o bontshitsweng ke batho ba ba ngata bakeng sa ho thusa bao ba anngweng ke tlokotsi ena, hara dinako tsena tse boima.
Matshwao a ikonomi a bontsha hore re batla re bona ntlafalo ya maemo.
Maemo a ikonomi a a ntlafala Aforika Borwa, mme re lebeletse kgolo ya moruo ho ya pele.
Dipalopalo tsa basebetsi tse lokollotsweng ka Labobedi, di bontsha hore ha jwale ikonomi e hlahisa mesebebetsi ho fapana le ho e fokotsa.
Le ha ho le jwalo, e sa le kapele haholo hore re ka netefatsa sekgahla seo ikonomi e nyolohang ka sona.
Mmuso le ha ho le jwalo o ke ke wa hula mekutu ya ona ya tshehetso. Jwale ke nako ya ho etsa motheo bakeng sa kgolo e matla ho ya pele, le kgolo e tla tswala mesebetsi e mengata.
Lenaneo la rona la nako e telele la motheo wa setjhaba le tla re thusa ho hola ka potlako.
Thuto ya rona le mananeo a bokgoni di tla phahamisa tlhahiso le hlodisano.
Leano la rona la Tshebetso ya Indaseteri le ho tsepamisa maikutlo ho mesebetsi e bolokehileng ya temo bakeng sa tikoloho, di tla aha dindaseteri tse ngata le tse matla bakeng sa ho hohela basebetsi. Lenaneo la rona la ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le tla ntlafatsa tlhahiso ya mahaeng, le maphelo a baahi ba metseng ya mahae.
Seo e leng sa bohlokwa mawaleng a rona a ho hodisa le ho tsoseletsa moruo, ke lenaneo la rona la ho tsetela meahong.
Dilemong tse tharo tse tlang, mmuso o tla sebedisa dibilione tse R846 hodima metheo ya setjhaba. Bakeng sa dipalangwang, re tla boloka mebila ya rona maemong a matle le ho atolosa marangrang a ditsela tsa rona. Re tla netefatsa hore marangrang a rona a seporo sa terene ke a tshepahalang, a maemong a hlodisano mme a hokahantswe betere le maemakepe a rona.
Ho netefatsa phano e tshepahalang ya motlakase, re theile Komite ya Kahare ya Matona e shebaneng le matla a motlakase ho hlabolla leano la dilemo tse a 20 la mehlodi e kopanetsweng.
Hara tse ding, sena se tla shebana ho nka karolo ha bahlahisi ba ikemetseng ba matla a motlakase, le ho tshireletsa bafutsana kgahlanong le ditjeo tse phahameng tsa motlakase. Re tla theha mohlahisi ya ikemetseng, ya se nang kopano le Eskom Holdings. Eskom e tla tswelapele ho aha keketseho ya ho fehla motlakase le ho ntlafatsa paballo ya diteishene tsa motlakase. Bakeng sa ho ntshetsapele ikonomi e kenyeletsang ho thusa kgolo le ntshetsopele, re thehile Lekgotla la ho Matlafatsa Batho ba Batsho Ikonoming ka ho Phatlalla, leo modulasetulo wa lona e leng Mopresidente.
Se potlakileng haholo ke hore ho tsepamiswe maikutlo ho fetoleng leano ka ho kena ka setotswana ho hlahiseng mesebetsi bakeng sa batjha.
Sekgahla sa ho hloka mosebetsi batjheng ba rona se hodimo haholo ho palohare. Ditshisinyo di tla behwa tafoleng bakeng sa ho tshehetsa ka ditjhelete ditjeo tsa ho hira basebetsi ba batjha dilemong, bakeng sa ho kgothaletsa difeme ho hira batho ba se nang boiphihlelo. Ho na le mananeo a mang a katoloso ya ho hirwa ha setjhaba a leng tseleng. Sena se kenyeletsa motheo wa tsa lehae le diporojeke tsa thuto e phahameng le diporejeke tsa ho ithuta ho bala, tlhokomelo ya lapeng, paballo ya dikolo le merero ya ntshetsopele ya bana.
Selemong se fetileng re thehile Boemedi ba Naha Ntshetsopeleng ya Batjha.
Re laetse lekala lena ho sebetsa ka potlako bakeng sa ho theha makala a lona, naheng ka bophara, hore le re thuse ho sebetsana le ho phethahatsa mananeo a ntshetsopele ya batjha ka hara mmuso.
Ha mmuso ona o ne o kena kantorong selemong se fetileng, re itlamme ho menahanya boikitlaetso ba rona ba ho aha mmuso o matla o tswelang pele. Re itse e tla ba mmuso o arabelang ditlhoko le ditakatso tsa batho, le o sebetsang betere le ka potlako. Selemo sena, e leng 2010, e tla ba selemo sa ho sebetsa. Seo e tla ba sesupo se hlalosang tsamaiso ena e tla ba hore e tseba moo batho ba dulang, e utlwisisa ditlhoko mme e arabela ka potlako. Mmuso o lokela ho sebetsa ka potlako, haholo le ka makgethe.
Re tla lebella hore Bookamedi le Tshebeletso ya Setjhaba di ipapise le pono ena. Re aha mmuso o tsepamisitseng maikutlo tshebetsong, ka ho ntlafatsa meralo le ho beha tshebetso leihlo le ho e hlahloba.
Re boetse re lokela ho hokahanya mekgwa ya tekatekano ya bong ho Lenaneo la Mmuso la Tshebetso. Mohato ona wa tshebetso o tla netefatsa hore basadi, bana le batho ba nang le boqhwala ba kgona ho fihlella menyetla ya ntshetsopele.
Re thabela ho phatlalatsa tsela e ntjha ya ho etsa dintho mmusong.
Mosebetsi wa mafapha o tla methwa ka diphetho, o tla ntshetswa pele ke tsela ya rona ya ho beha leihlo tlhatlhobo. Matona a ikarabellang bakeng sa sephetho se itseng, a tla tekena tumellano ya ho fana ka ditshebeletso e tebileng le Mopresidente. E tla hlalosa se lokelang ho etswa, hore se etswe jwang, ke mang, bakeng sa nako e itseng mme ho sebediswa mokgwa ofe wa ho metha le mehlodi.
Jwaloka ha le hlokomela, re itlamme ka dintlha tse hlano tse ka sehlohlolong: thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ya metse ya mahae le ntjhafatso ya naha, tlhahiso ya mesebetsi e itseng tjha, le twantsho ya botlokotsebe. Ho tlatseletsa, re tla sebetsa ka matla ho ntlafatsa tshebetso e tswileng matsoho ya mmuso wa lehae, ntshetsopele ya metheo ya setjhaba le bodulo ba batho. Re tla itlama ka ho etsa diketso tse mmalwa tsa bohlokwa hore re fihlelle diphetho tsena.
Re beile thuto le ntshetsopele ya bokgoni bohareng ba maano a mmuso ona. Lenaneong la rona la 2010, re batla ho ntlafatsa bokgoni ba bana ba rona ba ho bala, ho ngola le ho etsa dipalo dilemong tsa motheo. Ntle le hore re etse sena, re keke ra ntlafatsa boleng ba thuto. Maikemisetso a rona ka thuto a bonolo empa a hlokolotsi.
Re batla barutwana le matitjhere ba be sekolong, ka phaposing, ka nako, ba ithuta le ho rutwa bakeng sa dihora tse supileng ka letsatsi. Re tla thusa matitjhere ka ho ba neha boitokisetso ba letsatsi le letsatsi bo tebileng.
Bakeng sa barutwana, re tla nehelana ka dibuka tse tla sebediswang ha bonolo ka dipuo tsohle tse 11. Ho tloha selemong sena ho ya pele, barutwana bohle ba kereiti ya boraro, ya botshelela le ya bo robong ba tla ngola dihlahlobo tsa litherasi le nyumerasi tse lekotsweng ka boikemelo. Sepheo sa rona ke ho nyolla sekgahla sa ho pasa bakeng sa ditlhatlhobo tsena ho tloha palohareng ya hona jwale 35% le tse 40% ho ya ho tse 60% ka 2014. Sephetho se tla romellwa batswadi ho lekola tswelopele.
Ho tlatseletsa, sekolo ka seng sa tse 27 000 tsa rona di tla hlahlojwa ke bahlanka ba tswang Lefapheng la Thuto ya Motheo. Sena se tla behwa tlalehong e ngotsweng e hlahlobehang. Re rerile ho nyolla palo ya barutwana ba materiki ba lokelang ho kena yunivesithi ho fihla ho 175 000 ka selemo ho ya ho selemo sa 2014.
Re kgothaletsa batswadi ho sebetsa mmoho le rona ho atlehisa morero ona. Re amohela peho ya kgwedi e fetileng e entsweng ke mekgatlo e meraro ya matitjhere, NAPTOSA, SADTU and SAOU, ka ho thatiselletsa boitlamo ba bona bakeng sa Letsholo la Boleng ba ho Ithuta le ho Ruta ho tloha qalong ya 2010.
Re lokela ho tsetela batjheng ba rona ho netefatsa hore re na le lebotho le rupelletsweng le basebetsi ba nang le bokgoni bakeng sa ho tshehetsa kgolo le tlhahiso ya mesebetsi. Ha ho le jwalo, re ikemiseditse ho nyolla thupello ya ba dilemong tse 16-25 ditsing tsa thuto le thupello e tswellang.
Sena se tla etsa hore re fane ka monyetla wa bobedi thutong, bakeng sa barutwana ba sa fihlellang ho kena yunivesithi. Re sebetsa le ditheo tsa thuto e phahameng ho netefatsa hore barutwana ba lokelang ba fumana thuso ya ditjhelete, ka Sekema sa Setjhaba sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete. Re bile re ipehetse dipheo bakeng sa ntshetsopele ya dithupello, ho hlahisa dienjenere le boratekgeniki ba tlatsetso, le ho eketsa lenane la matitjhere a thuto ya dipalo le Saense.
Hapehape re loketse ho phahamisa lenane la batjha ba kenelang dithupelo tsa mosebetsi mafapheng a poraefete le a mmuso. Sephetho se seng sa bohlokwa ke ho netefatsa bophelo bo bo lelele le bo botle bakeng sa maAforika Borwa kaofela. Re tla phehella ho ntlafatsa mokgwa wa rona wa tsa bophelo bo botle.
Sena se kenyelatsa kaho le ntlafatso ya dipetlele le ditliliniki, le ho ntlafatsa maemo a tshebetso a basebeletsi ba tsa bophelo. Re imatahantse le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa ho ntlafatsa tshebetso ya dipetlele tsa setjhaba le diofisi tsa tsona tsa ditereke. Re bile re sebetsa mmoho le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri, lenaneong la mmuso la ho matahanya tshebedisano mahareng a mekgatlo ya poraefete le ya mmuso bakeng sa ho ntlafatsa dipetlele le phano ya ditjhelete bakeng sa diporojeke.
Re lokela ho tobana le nnete ya hore tebello ya nako ya ho phela ha masea a hlahang, e theohile ho tloha dilemong tse 60 ka 1994 ho ya ka tlasenyana ho dilemo tse 50 kajeno. Ha ho le jwalo re etsa boitshunyako ba ho theola sekgahla sa ho shwa ha bomme ba masea ho fokotsa tshwaetso tse ntjha tsa HIV le ho phekola HIV le TB ka ho phethahala.
Re tla boela re fokotsa ho shwa ha masea ka lenaneo le matla la kentelo. Re tla tsoseletsa mananeo a bophelo bo botle dikolong. Re tla kenya tshebetsong boitlamo bohle bo entsweng ka Letsatsi la Lefatshe la AIDS tse amanang le mekgwa e metjha ya ho thibela HIV le ho e phekola. Mosebetsi o matla o se o le motjheng bakeng sa ho netefatsa hore mosebetsi oo o nakong. Re tla boela re tswela pele ka boitokisetso ba ho theha tsela ya setjhaba ya inshorense ya bophelo bo botle.
Re sebetsa ka thata ho netefatsa hore motho e mong le e mong a ikutlwe a bolokehile le hore o bolokehile ka hara Aforika Borwa. Re tla ntshetsapele mosebetsi wa rona wa ho fokotsa ditlolo tse mpe le tse nang le merusu tsa molao, le ho netefatsa hore tsela ya rona ya toka e sebetsa ka ho phethahala. Re ntse re kenya tshebetsong meralo ya ho eketsa lenane la mapolesa a banna le basadi ka 10% dilemong tse tharo tse tlang.
Re hlwaile ntwa kgahlanong le ho nkelwa dikoloi ha batho ka mahahapa, tlatlapo ya ditsha tsa kgwebo le matlong, mmoho le ditlolo tsa molao tse jwaloka polao, peto le ho otlwa, e le tsona tse ka sehlohong. Bohle re na le karolo eo re lokelang ho e bapala. Ha re beng karolo ya diforamo tsa baahi tsa polokeho. Ha re tloheleng ho reka thepa e utswitsweng. Ka dinako tsohle ha re beng malala a laotswe ho fana ka tlhahiso leseding ya diketso tsa botloko tsebe sepoleseng. Tshebedisano mmoho etla lwantsha botloko tsebe.
Baheso le baeti ba hlomphehang, mmuso wa lehae o lokela ho sebetsa. Bomasepala ba lokela ho ntlafatsa phano ya matlo, metsi, tlhweko, motlakase, taolo ya matlakala le ditsela. Re ile ra tshwara kopano le bomajoro le balaodi ba bomasepala selemong se fetileng. Sena se fane ka lesedi la bohlokwa bakeng sa diphephetso tse teng ka hara mmuso wa lehae. Re ile ra boela ra etela baahi le bomasepala ba fapaneng, ho kenyeletsa Balfour e Mpumalanga le Thembisa e Gauteng. Kamora leeto la Balfour, re ile ra romela moifo wa matona a robong ho etela tulo eo ho shebana le dintlha tse hlahisitsweng ke baahi. Dintlha tse ngata ho se ho mekamekanwe le tsona.
Ke laetse matona ho mekamekana le ditaba tse ntseng di saletse morao. Re sa boela re phetha hore ha hona dingongoreho tse ka etsang hore batho ba etse merusu le ho senya thepa. Re laetse makala a tsa molao hore a lwantshe ho hloka taolo ka matla Balfour le ditulong tse ding. Ka Tshitwe 2009, Kabinete e dumellane ka lewa la tshebetso bakeng sa mmuso wa lehae. Sena se tla netefatsa hore mmuso wa lehae o na le the bolaodi bo hlwahlwa, bokgoni ba tsamaiso le ba botekginiki.
Selemong sena sa tshebetso, ha re sebetseng mmoho ho etsa hore mmuso wa lehae e be boikarabelo ba rona kaofela. Re sebeletsa ho ntlafatsa bodulo le ho fana ka ditshebeletso bathong ba mekhukhu e dutseng tulong tse hantle tse hlwahlwa le ho fana le ditokelo tsa naha ho bonyane matlo a 500 000 ka 2014. Re rera ho behella ka thoko dihektare tse 6 000 tsa Naha e dutseng hantle bakeng sa ba amohelang meputso e tlase le matlo a kgonehang.
Ntlafatso e ntjha ya bohlokwa e tla ba ho kenyeletsa batho bao meputso ya bona e phahameng haholo ho re ba ka fumana ditshehetso tsa mmuso, empa ba amohela tjhelete e tlase hore ba ka fumana kadimo bankeng.
Re kenya mokgwa wa letlole la tiisetso la R1 bilione ho kgothaletsa dibanka tsa poraefete le lekala la matlo, ho kgakola dihlahiswatse ntjha tse tla shebana le tlhoko ya bodulo.
Selemong se fetileng re itse, batho ba mahaeng le bona ba na le tokelo ya ho ba le motlakase, metsi, matlwana a tsamaiswang ka metsi le ditsela.
Ra re ba tshwanetse ho ba le ditsi tsa boikgathollo le dipapadi hammoho le ditsi tsa mabenkele tse jwaloka tse metsemeholong.
Tabeng ena, re kgakotse setsha sa pele sa teko sa Lenaneo le Phatlaletseng la Ntshetsopele ya Mahae Giyani, Limpopo, ka Phato selemong se fetileng. Ho tloha ka nako eo, matlo a 231 a ahilwe.
Tswelopele e se e entswe bakeng sa ho fana ka motheo wa setjhaba ho tshehetsa ntshetsopele ya temo, le kwetliso bakeng sa baahi. Phumantsho ya ditsha tsa bophelo bo botle le thuto di ntlafetse. Re kenya tshebetsong mananeo a tshwanang le lena ditsheng tse supileng ho phatlalla le naha, mme di tswela molemo diwate tse 21.
Ka 2014, re ikemiseditse ho ba le ditsha diwateng tse 160. Re batla hore 60% ya malapa ditsheng tsena di kgone ho mekamekana le ditlhoko tsa dijo ho tswa tlhahisong eo ba iketseditseng yona ka 2014.
Hanyane hanyane ho tla loka, hantlentle baheso, ho thwe dintho tse kgolo di qala hanyane.
Re boetse re hloka ho kopanya betere ntlafatso ya lefatshe le mananeo a tshehetso ya temo. Katleho ya rona tabeng ena e tla methwa ka keketseho ya lenane la borapolasi ba ba nyenyane ba atlehang moruong.
Ha re naha e ruileng ka metsi. Empa, re ntse re lahlehelwa ke metsi a mangata ka dipeipi tse dutlang le motheo wa setjhaba o sa tsepamang. Re tla tla ka mekgwa ya ho fokotsa tahlehelo ya metsi ka halofo ka 2014.
Jwaloka ka karolo ya rona ya ho etsa mekutu ya ho kgothaletsa kgolo e matla ya moruo, re shebile ho fokotsa ditjeho tsa ho hokahana. Setjhaba sa maAforika Borwa se ka labella phokotso e nngwe e phatlaletseng ya sekgahla sa ditjeho tsa, diselefouno, mehala ya ka malapeng le ya setjhaba. Re sebeletsa ho eketsa lebelo la dikgokahanyo tse phatlaletseng le ho netefatsa maemo a hodimo a tshebeletso a inthanete, re ipapisitse le maemo a matjhaba.
Mmuso ona otla netefatsa hore thepa ya rona ya tikoloho le mehlodi ya tlhaho di tshireleditswe hantle, mme di dula di ntlafatswa.
Le ha e sa tsamaya ka tsela eo re ne re rata ka yona, ke mohato wa bohlokwa ho ya pele hobane e tlama dinaha tsohle ho arabela tabeng ya ho feto fetoha ha tlelaemete. Re tla sebetsa ka matla le bomphato ba rona ba matjhabeng bakeng sa tumellano e re tlamang bohle ka molao. Jwaloka Aforika Borwa, re itlamme ka boithaopi ho fihlella dintlha tse itseng tse tobaneng le ho ntshwa ha mosi, mme re tla tswela pele ka mawala a rona a nako e telele a ho lwantsha ho fetofetoha ha tlelaemete.
Re tla matlafatsa mekutu ya rona ya ho to ntshetsa pele ditabatabelo tsa Aforika Borwa lefatsheng ka bophara.
Re tla tshehetsa mekutu ya ho potlakisa kgokahanyo ya dipolotiki le ikonomi ya lebatowa la SADC, le ho ntshetsa pele kgwebo le matsete a kopanelo ka lebatowa. Aforika Borwa e tswela pele ho bapala karolo ya boetapele mekutung ya kontinente ya ho matlafatsa Kopano ya Aforika le dikarolo tsa yona, le ho sebeletsa bonngwe. Re tla tsepamisa matla a rona bakeng sa ho tsoseletsa Selekane se Setjha Bakeng sa Ntshetsopeleng ya Aforika, e le leano bakeng sa ntshetsopele ya moruo ka hara kontinente.
Tshebeletso ya Setjhaba e lokela ho arabela kgoeletso ya ho etsa sehla sena sa tshebetso e potlakileng le tshebetso e ntlafetseng ya mmuso. Re batla tshebetso e tswileng matsoho le ho sebetsa ka thata. Re hloka basebeletsi ba setjhaba ba itetseng, ba nang le bokgoni le ba kgathallang ditlhoko tsa baahi. Mmuso o se o sebetsana le ntshetsopele le ho kenya tshebetsong lenaneo la ntshetsopele ya tshebeletso ya setjhaba, le tla beha leihlo boitshwaro le maemo bakeng sa basebeletsi ba setjhaba mafapheng ohle.
Re tswela pele ka mekutu ya rona ya ho fedisa bobodu le boqhekanyetsi ha ho rekwa thepa ya mmuso le phano ya dithendara, le dikopong tsa mangolo a ho kganna, ditjhelete tsa dithuso ya setjhaba le mangolo a boitsebiso, hara tse ding. Re thabetse tswelopele eo mmuso o e etsang dibakeng tse ding. Bekeng ena, re fedisitse ditefello tse 32 687 tsa boqhekanyetsi ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba, tse etsang dimilione tse R180. Komiti ya rona ya Kopanelo ya Matona bakeng sa Bobodu e batlana le ditsela tsa ho hlola bobodu ka ho phethahala. Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Jwaloka ha le hlokomela, re butse Mohala o Kgethehileng wa Mopresidente ho etsa hore setjhaba se fihlella Ofisi ya Mopresidente ha bonolo, le ho thusa ho tlosa dithibelo tsa phano ya ditshebeletso. Mohala o kgethehileng o bontsha maikemisetso a mmuso ho etsa dintho ka tsela e fapaneng. O entse phapang maphelong a maAforika Borwa a ma ngata.
Re ka qolla mofumahadi Buziwe Ngaleka wa Mount Frere, eo mohala wa hae e bileng wa pele tshebeletsong ena mabapi le pentjhene ya mofu monna wa hae. O teng hara rona bosiung bona. Hara rona re boetse re na le Monghadi Nkululeko Cele, ya ileng a thuswa ho fumana mangolo a boitsebiso, a mo thusitseng ho ingodisa Yunivesithing ya Thekenoloji ya Tshwane.
Tsena ke dipale tse pedi feela tsa katleho ya rona. Ka dintlha le mehlala e meng, re hlwaya bofokodi bo lokelang ho lokiswa ke mafapha a fapaneng a mmuso. Ka thuso ya Sepikara, re memme boemedi ba mekga e mengata ho tswa Palamenteng ho etela setsha sa rona sa mehala, hore Maloko a Palamente a iponele ka mahlo mosebetsi o etswang.
Ke nehelane ka dintlha tse ka sehlohlolong tsa meralo ya rona bakeng sa 2010, boitlamo ba rona ba kopanelo jwaloka mmuso ho batho ba Aforika Borwa. Puo ya Maemo a Setjhaba e fana ka kakaretso e phatlaletseng ya moralo wa rona wa tshebetso. Matona a tla nehelana ka dintlha ka botebo dipuong tsa ona tsa Kgetho ya Ditekanyetso tse fapaneng.
Ditho tse hlomphehileng, maAforika Borwa a heso, ka Pudungwana selemong sena, re tla tshwaya sehopotso sa dilemo tse 150 tsa ho fihla ha maIndia Aforika Borwa. Sena se fana ka monyetla wa ho ananela nyehelo ya bohlokwa ya setjhaba sa maIndia mafapheng a basebetsi, kgwebo, saense, dipapadi, tumelo, bonono, botjhaba le phihlello le tiiisetso ya demokerasi ya rona.
Ha ke nke monyetla ona hore hapehape re fetisetse matshediso a tswang botebong ba dipelo tsa rona ho mmuso le batho ba Haiti ka koduwa e kgolo e ba wetseng. Re thabile haholo hore meifo ya rona ya pholoso e kgonne ho ya thusa. Ke lakatsa ho ananela ka ho ikgetha moAforika Borwa a sa keng a hloleha ho thusa nakong tsa dikoduwa, le ho re thusa ho ntshetsapele pono ya setjhaba se kgathallang. Re amohela Ngaka Imtiaz Sooliman wa Gift of the Givers ka hara ntlo ena kajeno.
Ho tshwara dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA ho etsa selemo sa 2010 e be sa tshebetso e le ka nnete. Re dutse dilemo tse telele re rera bakeng sa Mohope ona wa Lefatshe. Re setse feela ka dikgwedi tse tharo. Mme re ikemiseditse ho atleha. Motheo wa setjhaba, tshireletso le ditlhophiso di motjheng bakeng sa ho netefatsa thonamente e atlehileng.
Mopresidente Mandela o ne a le bohareng ba ho thusa naha ho hlola ditokelo tsa ho tshwara morero ona o moholo. Ha ho le jwalo re lokela etsa Mohope wa Lefatshe katleho e kgolo bakeng sa ho mo hlompha. Baheso, ha re boeleng re tshehetse sehlopha sa naha Bafana Bafana. Ke e mong wa ba kgolwang hore Bafana Bafana ba tla etsa dimakatso. Seo e leng sa bohlokwa, tekete letsohong baheso! Bohle ha re rekeng ditekete ka nako hore re tsebe ho ya dipapading.
Jwaloka ha re keteka tokoloho ya Madiba kajeno, re itlama botjha bakeng sa poelano, bonngwe ba setjhaba, ho se kgetholle ka morabe le ho aha a bokamoso bo betere mmoho jwaloka maAforika Borwa, ba batsho le ba basweu.
Bophelong ba ka ke iteletse ho lwana bakeng sa batho ba maAforika. Ke lwanne kgahlanong le kgatello ya ba basweu, le ho lwana kgahlanong le kgatello ya batho ba batsho.
E sa le ke na le toro ya setjhaba sa demokerasi le se lokolohileng, moo batho bohle ba phelang mmoho ka kutlwano, le ka menyetla e lekanang. Ke toro eo ke lakatsang ho iphelela, le ho e fihlella.
Empa ha ho hlokeha, ke toro eo ke ikemiseditseng ho shwa bakeng sa yona
Ka lebaka la ho kgothaletswa ke Madiba, ke tlhompho ho nna ho etsa puo ena e mabapi le Maemo a Setjhaba ya 2010 ho hopola bahale le bahalehatsana ba rona, ba roriswang le ba sa rorisweng, ba tsejwang le ba sa tsejweng.
Ke a leboha.
<fn>10193VMS2010.txt</fn>
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.. Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.. Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo wa kgang/ngangisano (Argumentative)...
Moqoqo o pepesang ditaba/dintlha (Expository)...
Moqoqo wa boimamelo/o tebisang maikutlo (Reflective)..
<fn>11101VFM2007.txt</fn>
Memorandum ena e na le maqephe a 7.
ho thabetswe tlhaho ya lona lesea lena, empa hape ho a lluwa v hobane hobane le hlahile ka nako e mpe - nako ya dintwa.
Ha ba qala ho phutha disebediswa tsa bona tsa mosebetsi mme ba. vtjhaisa ho leba malapeng.
ditjhaba di tletsetletse le naha.
ho se ke ha lwanwa.
O mmona a bile lehlohonolo hobane mehleng eo ho ne ho le dintwa vmme e ne e le lehlohonolo feela ha a ka hola ho fihlela bohlankaneng.
Tau ke phoofolo e bohale e bileng e leng kotsi v - ka hoo mongodi o hlalosa hore Tjhaka e ne e le motho ya bohale ya bileng a le kotsi. v.
Puo ena ke e susumetsangv - moreki o nkeha ha bonolo hoba o bona ho le bobebe ho 'tshela metsi feela' vve be o se a jesa lesea. Mokgwa ona wa ho sebedisa puo ka tsela ena o a hohela ruri.
Ditatso tse nne.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo kaha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Batho bohle ba kgahlwa ke ho sebedisa diselefounu, ho kenyeleditswe le bana ba banyenyane. Palo ya batho ba sebedisang diselefounu e ntse e hola ka sekgahla - kgolo ya 35% nakong ya lemo tse pedi.
Ho ba le selefounu ho supa maemo batjheng. Batswadi le bona ba bona ho hlokeha hore bana ba be le diselefounu. Sena se ba neha maikutlo a polokeho meyeng ya bona hobane selefounu e etsa hore ba dule ba hokane le bana ba bona ka nako tsohle.
Diselefounu di nolofaletsa ba di sebedisang bophelo hobane di ba atameletsa lefatshe: di na le dikhamera le ho ba le bokgoni ba ho fihlella tlhahisoleseding ya mefuta ke di-web le e-meile.
Ntle le hore diselefounu di ka utsuwa ho beng ba tsona, di ka nkelwa beng ba tsona ka dikgoka. Hona ho beha polokeho ya bana tsietsing. Phapanyetsano ya tlhahisoleseding e ka ba kotsi baneng hobane ha ba kgone ho bona bao e leng dinokwane Diselefounu di boetse di ka sebediswa hampe; melaetsa ya ditshoso, ditshokelo le e hlekefetsang e ka fapanyetsanwa esita le ka diphaposing tsa ho rutela.
Kodisang o ne a na le taba e kgolo le Seipati.
Kodisang ha a qeta nako e telele ho motswalle wa hae Orlando.
Le ha Kodisang a ne a na le kgahlahov ho Seipati, o ne a mo tshaba.
Thabo o ile a rutha Mpho ka lejwe hloohong a batla a idibana.
Hang ha Kodisang a kena ka kganngvv ya terene feela a re ptjangptjang le Seipati.
Kodisang o kene tlong a patile mohwasa hobane a fihlile bosiu haholo.
Pule o sentse Morwesi letlalo kamoo a mo shapileng hamper ka teng.
Seipati o bohlaswa ebile o botswa.
Sebopeho sa leetsi dipolelong tse latelang se fosahetse. Ngola dipolelo tse latelang ka nepo, re se re lokisitse sebopeho sa mantswe a ka masakaneng.
Kodisang o ne a sa ikutlwe ka lebaka la pelo ya hae e neng e mo tsieditse ka nako eo.
Seipati o ne a sa utlwahale hantle ka lebaka la modumo wa mabidi a terene.
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A 50 TSHEBEDISO YA PUO - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka phethahalo. O sebedisa puo ya bonono le bokgabo e phethahetseng ka ho fetisisa. - Kgetho ya mantswe ka tsela e babatsehang, e bontshang boiphihlello. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e babatsehang. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e babatsehang. - Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele ke bo dumellanang le ditlhokeho tsa sehlooho. - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka nepahalo. O kgona ho sebedisa puo ya bonono le bokgabo e loketseng. - Kgetha mantswe ka tsela e fapafapanang, e bontshang boiqapelo. - Dipolelo le diratswana di na le moelelo, di a fapana. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e loketseng. - Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe boholo ka ho nepahala. - Kgetho ya mantswe ke e loketseng tema. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ntle. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e babatsehang. - Ditema boholo di hloka diphoso hoba mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng. - Puo e sebedisitsweng ke e bonolo, matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e lekaneng. - Kgetho ya mantswe ka tsela e lekaneng. - Dipolelo le diratswana di ka fosahala dibakeng tse itseng, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara di tsitsitse mmoho le ditlhokeho tsa sehlooho. - Ditema di ntse di na le diphoso tse mmalwa leha mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele bo nepahetseng. - Tshebediso ya puo ke e mahareng feela, mme hangata matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e fosahetseng. - Sebedisitse mantswe a bonolo feela. - Dipolelo le diratswana di fosahetse, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara di holoka kgokahano. - Ditema di na le diphoso tse ngata leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng. - Kgetho ya mantswe e a haella. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e bonolo. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse. - Tema e na le diphoso tse ngata leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng haholo. - Kgetho ya mantswe ke e fosahetseng. - Dipolelo le diratswana di kopakopane mme ha di a tsitsa. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse hohlehohle. - Tema e na le diphoso tse ngata haholo mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Dikahare di a babatseha, di bontsha boiqapelo ka tsela e kgahlisang haholo. - Mehopolo: ke e phepetsang monahano, e tswileng matsoho. - Kgodiso ya sehlooho ka tsela e hokahaneng, dintlha ke tse hlakileng, tse ikgethileng. Kelohloko e hlokolosi ya dintlha. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle o hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Dikahare di ntle haholo, o bontsha boiqapelo - Mehopolo: o bontsha ho nahanisisa taba, e tsosa tjantjello - Kgodiso ya taba ka tsela e nang le moelelo. Ho na le kgokahano ya mehopolo. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o bopehileng ka bokgabane, o kgahlisang.
Phihlello e kgotsofatsang- Dikahare di ntle mme di hokahana ka tsela e kgotsofatsang - Mehopolo: ke e kgahlisang, e kgolehang. - Dintlha ke tse mmalwa tse tsamelanang le taba ya sehlooho. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle haholo, o kgotsofatsabohehang. Kgato ya 5Phihlello e lekaneng - Dikahare tse loketseng, tse hokahaneng ka tsela e lekaneng. - Mehopolo: ke e kgahlisang, e bontshang boiqapelo ka tsela lekaneng. - Hlahisitse dintlha tse itseng. - Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang. Kgato ya 4Phihlello e mahareng- Dikahare ke tse mahareng feela, tse tlwaelehileng. Ho na le dikgeo kgokahanong. - Mehopolo: boholo ke e nepanang le sehlooho, boiqapelo bo haellang. - Dintlha tse hlokehang boholo di teng. - Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang. Kgato ya 3Phihlello e karolwana feela - Ha se ka mehla dikahare di hlakileng, ha ho kgokahano. - Mehopolo: Mehopolo e mmalwa, eo hangata e iphethang, - Nqa tse ding o tswa lekoteng, leha mohopolo wa sehlooho o ntse o latelwa. - O a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng leha ho entswe moralo wa boitokisetso le meralo ya pele. Nehelano e seng ntle ya moqoqo. Kgato ya 2Ha ho phihlello - Boholo ditaba (dikahare) di tswile lekoteng. Ha ho na kgokahano. - Mehopolo: e a nyahamisa, e a iphetapheta, e tswile lekoteng. - Moralo wa boitokisetso le meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang ya moqoqo.
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE MATSWAO A 30 TSHEBEDISO YA PUO - O hlahisitse sebopeho se phethahetseng - Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang puo e phethahetse - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. - Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ditlhoko tsa mosebetsi. - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. - Diphoso di mmalwa empa ha di senye boleng ba tema. - O kgona ho hlwaya tlotlontswe mme o bontsha kutlwisiso e tebileng ya sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Tema e bopilwe ka hantle mme e bonolo ho baleha. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, empa ha di thabise - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. - Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe, sebopeho sa puo le tshebediso ke tse lekaneng. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, ka tsela e lekaneng. - Ho na le dikgeo kgokahanong. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. - Ho na le dikgeo setaeleng, sehalong le rejiserateng. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse sa lokelang tema. -Tema e ntse e tletse diphoso leha di lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. -Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema e batsi mme ke e ikgethileng. - Bontsha kelohloko e tebileng ya maemo a batsi a ho ngola. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ka ho phethahala ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle haholo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e batsi ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e akaretsang kelohloko ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela. - Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle haholo, e bohehang.
Phihlello e lekaneng - Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema. - O bontsha kelohloko e itseng ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e kgotsofatsang, e bohehang. Kgato ya 450-59%Phihlello mahareng - Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hokahaneng le ho boheha ka tsela e mahareng feela. Kgato ya 340-49%Phihlello e karolwana feela - Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding. - Ha se ka nako tsohle tema e bontshang kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - E a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng, leha ho entswe moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele. Tema ha e ya botjwa hantle.
Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bontsha ho hloka tsebo ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o tswa lekoteng, moelelo o siretse nqa tse ding.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho.
Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang haholo ya tema.
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA C DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE/ DITEMA TSEO HO KA TADINGWANG HO ITSENG HO TSONA LE TSE NEHELANANG KA TLHAHISOLESEDING MATSHWAO A 20 TSHEBEDISO YAPUO - Hlahisitse sebopeho se phethahetseng ka tsela e babatsehang. - Puo e sebedisitswe ka ho phethahala mme tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo ka ho phethahala. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka bokgabane. - Tema e bopehile hantle haholo mme e nepahetse. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng, tse tsamaelanang le ditlhokeho tsa mosebetsi. - Ditema di batla di se na diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho - Tema e bopehile hantle haholo mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng. - Ditema boholo di hloka diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng mabapi le ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopehile hantle ho lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e llekane, ho tadinngwe sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara e batla e le tse loketseng. - Tema e ntse e ena le diphoso leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho. Ho na le dikgeo tse hlokolosi. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo. Diphoso tse mmalwa. - Tlotlontswe e a haella mme ha e tsamaelane le sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Ho na le dikgeo mabapi le setaele, sehalo le rejisetara. - Tema e ntse e ena le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo. -O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e haellang. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e utlwisisa. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha se tse tshwanetseng tema. -Tema e ntse e ena le diphoso leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e utlwisisa. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa ka matla mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e tletse diphoso mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema ke ya boemo bo hodimo, e ikgethileng. - Bontsha kelohloko e hodimodimo ya maemo a batsi a ho ngola. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ka ho phethahala ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, e manollotswe ka tsela e tebileng mme dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hlokang diphoso, e bohehang.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle haholo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e batsi ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo, e manollotswe ka tsela e ntle haholo mme dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopehileng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e akaretsang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle haholo, e bohehang.
Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema.
O bontsha kelohloko e itseng ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsofatsang.
E mahareng - Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e lekaneng lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bohehang le ho hokahana ka tsela e kgotsofatsang.
Phihlello e karolwana feela - Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha tsebo e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding. - Ha se ka nako tsohle tema e bontshang kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - E a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng, leha ho entswe moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele. Nehelano ya tema ke e seng ntle.
Ha ho phihlello - Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha ho hloka tsebo ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tswa lekoteng, moelelo o siretse nqa tse ding. - Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho. - Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella.
<fn>11101VFQ2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 13.
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo a makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Mehleng eo, ho hlaha ha lesea ho ne ho sa thabelwe, e be motlotlohadi, thabohadi, medidietsane le pitiki ya mehleng eo e ne e jellwa kgwebeleng jwalo ka ha nonyana e etsa ka mehla bophelong ba yona. Le ha ho le jwalo lesea la hlaha tlong ya Mokgatjhane, mme la rehwa Lepoqo, eo ha morao a ileng a tuma ka la Moshweshwe Moshwashwaila. Ya e ba thabo e tswakantseng le dikgapha le meokgo, hobane naha e ne e itebetse, ho se ya ka reng hosasa le tla tjhaba le dikele ke ntse ke le mona moo ke leng teng. Di a bela, di a hlweba, madiba ho psha a matala.
Batho ba neng ba jakile ho Mokgatjhane ba ne ba se bakae, le hojane ba ne ba ntse ba feta ba Dibe haholo. Re se re utlwile mabaka. E ne e le motsheare wa mantsiboya ha letsatsi le hlahlamela dithaba, ha makgomo a oroha, a hopola masakeng, moiteding. Bashanyana ba ketimisa dikgamelwana, manamane a bokollela bomma ona, motsana wa Menkgwaneng o qetse hara mosi, ha malapeng ho tlhatlehuwa dijo tsa mantsiboya. Kgwading banna ba qala ho phutha diphalo, ba bang ba bapala morabaraba sethetsabadisana, ha ho bolelwa banana ba matha ka dinkgo ho ya sedibeng.
Mokgatjhane o ne a dutse a bohile ba ntseng ba fala lekoko la pholo eo a neng a sa tswa e hlabela batho ba hae. Molaetsa wa hlaha ka lapeng ho re moreneng ho hlahile lesea. Modidietsane wa tswa ka difera tsa diotlwana, tse monate tsa wela ditsebeng tsa morena. A fela a behela ba mmokanetseng. A kgutlisa molaetsa wa diteboho ho ba ka lapeng. Jwalo ka ha eka o ne a se a ntse a lebeletse ho hlaha ha lesea, a be a se a neheletsa leqosa lebitso, hore lesea leo ke Lepoqo.
A tsebisa ba ka kgotla, ya sala e se e le 'Morena, e se eka a ka re holela mohlankana eo, a tle a re buse, a re tataise ka lere la tshepe, a hole a re holele.
Lerato la Peete le ne le kgaphatseha ho setloholo sa hae. A mo lakaletsa bophelo bo bolelele. E tle e be lesedi la ditjhaba, e seng ho Basotho feela empa tsohle tse tlang ho ba haufi le yena. A tle a be pelonolo, a be le boitshwaro, e tle e be lesedi ho ba ka tlasa hae. Ho nnileng ha hlorisa Peete ke tsona dintwa tse neng di se na kgotso, ho se tjhaba seo motho a ka reng ke sa hae, hobane monna, mosadi le ngwana ba ne ba hlahlathela jwalo ka dithotwana, ba leboha ha letsatsi le tjhaba le dikela ba ntse ba phela.
E bile lehlohonolo le makatsang hore Lepoqo a hole e be e be mohlankanyana a ntse a phela le ba habo motsaneng wa Menkgwaneng ho se ntwa e ileng ya qhala bodulo ba bona, le hojane ka mathoko ho ne ho ntse ho qholotsanwa, ditjhaba di telela le naha, ho tloha Botjhabela ho isa Bophirima. Ka Botjhabela ho ho ne ho puruma tau ya Bokone, Tjhaka, le boMatowane ka Leboya; esita le tsona ditjhabana tsa Basotho di ne di ntse di lwantshana, di jana jwalo ka madimo. Kgotso e teng mehleng ya kajeno, ke e neng e le siyo mehleng eo.
Lepoqo a nna a hola jwalo ka bana ba bang, a alosa, a dula kgotla, a mamela meqoqo ya banna, a ithuta ditshomo le mekgwa le maele a Basotho. Ho holeng ha hae, o nnile a makatsa batho ka masene ao a neng a na le ona. O ne a atisa ho botsa dipotso tse kang tsena: 'Na ha ho ka moo motho a ka phemang ho tetebetsa e mong ka lerumo, haeba a hapa dikgomo tsa hae, a mpe a di hape ka ketso ya mofuta o mong Ho bakang dintwa ke eng Ke ka lebaka lang hore motho a se kgotsofatswe ke seo a leng sona' Dipotso tse kang tsena le tse ding, di hlile tsa bonahatsa kelello le kutlwelobohloko ya Lepoqo?
Ho ne ho alositswe ke badisana, ho kallanwa ka nako ya ha ho phungwa mehwang, e ne e le ha ngata ha ho tla hlaha dintwa, ha ba bang ba motse o mong ba hanela makgomo a motse oo e seng wa habo bona, hore ba se ke ba fudisa ha mmoho, Lepoqo o ne a ba kena ka lehare, hore ba thehe kgotso, e le ho re madi a tle a se ke a tsholoha. Jwalo ka ha e le tlwaelo ya badisana hore ha ba eya naheng ba kgwaele, ba nke leqhetso la bohobe, nama eo ba ileng ba itshiela yona maobane, kapa le ha e le sejonyana sefe se monate, e tle e re motsheare o moholo ha tadi e antsha, mmampodi a mametse: 'Mmampodi kgwaolla, ditswakotleng tseo, ba di beha ka pele ho mmampodi, e le ho re e be yena ya ba fang a se a ile a ikgethela ho kang ho monate. Lepoqo le teng o hlile a lwantshana le bommampodi boo, a ba a bo fenya. O ne a etla a kgwaetse nama e ngata haeba moreneng ho ne ho hlabilwe, ho tla fepa ka ho lekana dithaka tsa hae. O ne a atisa ho re 'Sejosenyenyane ha se fete molomo.' 'Bana ba monna ba qothelana hlooho ya tsie.'
E qotsitswe bukeng ya A.S.
Ho ya ka moo o utlwisisang ditaba tsee ka teng, o ka di neha sehlooho sefe se tsamaelanang le tsona?
Lepoqo o ile a tsejwa ka lebitso lefe ha morao ha a se a hodile?
Ke eng seo mongodi wa tema a re akanyetsang sona ha a re mohla lesea le tswetsweng e bile 'thabo e tswakantseng le dikgapha le meokgo' Hlalosa le ho tshehetsa karabo ya hao?
Ho ya ka tema ee, Lepoqo o hlahile ka nako efe ya letsatsi?
O ka re ke eng seo mongodi a se bolelang ha a re 'banna ba qala ho phutha diphalo', haholo ha o bapisa see le se etsahalang matsatsing a kajeno?
Mongodi o hlalosa Tjhaka e le 'tau ya Bokone e purumang'. Hlalosa ka moo tshwantshiso ena e o thusang ho utlwisisa semelo sa Tjhaka ka teng.
Sehlahiswa se bapatswang temeng ena ke sefe?
Sehlahiswa seo o se boletseng se reretswe bomang hantlentle?
Hlalosa kgohedi e hlahiswang ke tshebediso ya mantswe ana 'Tshela metsi feela ' le ho re hobaneng a ngotswe ka mongolo o moholo.
Sehlahiswa see se hlahiswa ka ditatso tse kae ho ya ka tema ee?
Qetellong ya kakaretso ya hao bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Diselefounu di ke ke tsa arohanngwa le bophelo ba rona matsatsing ana a kajeno. Motho e mong le e mong, re sa teele bana ka thoko, o hloka ho sebedisa sesebediswa sena sa kgokahano. Dipalopalo di bontsha palo e ntseng e hola ya batho ba seng ba fihlella tshebediso ya selefounu morao tjena - kgolo ya 24% ka selemo sa 2002 ho isa ho 42% ka selemo sa 2005. Diphuputso di bontsha kgolo ya 35% ya batho ba seng ba fihlella tshebediso ya diselefounu nakong e kgutshwane ya lemo tse pedi feela. Keketseho ena ha e ame feela batho ba baholo, nnete ke ho re le bana ba banyenyane ba dikolo ba se ba sebedisa diselefounu le bona, esita le masea a dilemo di tharo a a di sebedisa. Kgahleho ya ho sebedisa diselefounu baneng e hola ka sekgahla se seholo.
Bana ba tsamaya diterateng le mebileng ba kakatletse diselefounu. Ho bonwa o tshwere selefounu ho supa maemo. Ha motho a bonwa ka selefounu ho thwe o'cool' ke baeka. Sena se bolela ho re ngwana kapa motjha ya jwalo o 'kgema le dinako'. Ho ba tjena ke ho phela bophelo bo lebeletsweng bo tsamaelang le dinako. Lena ha se lona lebaka feela le ka susumetsang hore bana ba kenele 'mojaho' ona wa diselefounu, ho ntse ho e na le a mang. Batswadi le bona ba na le seabo.
Ba dumela hore selefounu e ba neha polokeho. Na o ka re ngwana o bolokehile ha a tshwere selefounu ho yena?
Ha ho qeaqeo hore polokeho ya bana e ba tsietsing ha feela ba tsamaya ba jere disebediswa tsena. Potso ke ho re na e be mabaka a polokeho ya bona a imela mabaka ao re ka a tadimang e le a behang polokeho ya bona tsietsing Le ha mabaka afe a ka imela afe, palo ya batho ba sebedisang diselefounu e tla nne e eketsehe, jwang kapa jwang?
Ee, ke nnete hore tshebediso ya selefounu e nyenyefaletsa basebedisi ba yona lefatshe. Lefatshe e ba ntho e nyenyane eo ba e fihlellang ha bonolo. Bana ba e ba le bokgoni ba ho fihlellwa ntho e nngwe le e nngwe ha bobebe feela. Lefatshe le lona le kgona ho fihlellwa ha bobebe feela jwalo. Founu tsena di kgona ho fuputsa ditaba le tlhahisoleseding ka hara di-web, e-meiling ebile ke 'baromuwa' ba tshepahalang ba ka dinako tsohle. Basebedisi ba kgona ho romela le ho amohela melaetsa ka nako efe kapa efe ya letsatsi. Ho ntse ho nepahetse ho re selefounu e na le ntho e nngwe le e nngwe eo khomputa ya lapeng e nang le yona. Bomadimabe ba selefounu bo bong; tataiso eo motswadi a nang le yona ngwaneng wa hae ha a sebedisa khomputa ya lapeng, a ke ke a ba le yona ha ngwana a sebedisa selefounu. Ngwana a ka sebedisa selefounu ya hae kae kapa kae. Difounu tsa kajeno di kgona ho hlahisa ditshwantsho ka mebalabala, jwalo feela ka tse hlahiswang thelevisheneng. Di na le dikhamera tse nang le bokgoni bo hodimo ba ho nka ditshwantsho, difilimi le divideo esita le ho fapanyetsana ka tsona ho tloha founung e nngwe ho isa ho e nngwe, esita le ho di kenya inthaneteng. Kgonahalo ena ya ho fapanyetsana tlhahisoleseding e etsa hore lefatshe e be nthonyana e nyenyane ho basebedisi ba desele tsena. Bokgoni bona ba ho fihlella lefatshe ka hohlehohle le ha bonolo ka mokgwa o tjena ke bona bo behang polokeho ya bana tsietsing. Bana ba ka tlatlatjwa ha bobebe ke batho ba nang le maikemisetso a mabe.
Bana ke bana mme ha ho bonolo ho ellwa 'dinokwane' tseo e leng kgale di tsoma ba tshwanang le bona. Ha ho bonolo bakeng sa ngwana wa ngwanana ho bona kotsi e mo tobileng ha a amohela molaetsa wa 'senokwane' se itlhahisang ka molaetsa o hlahelang founung eka ke thaka ya hae kapa motjha anthe ke leqheku lena le disene. Ba bang ba bana bana ba kena tsietsing ka ho romela le ho amohela ditshwantsho tseo molao o di hlalosang e le 'phonokrafi'. Ka nako e nngwe bananyana bana ba batho ba ka nna ba se utlwisise phapano dipakeng tsa hoo e leng 'thahasello' le 'takatso' ya ya romelang molaetsa. Sena se bolela hore selefounu e ka sebediswa ka ditsela tse fapaneng.
Tlhekefetso e etswa ka mekgwa e mengata. Mekgwa e meng ya tlhekefetso e tsejwang haholo ke e etswang ka puo le tlhekefetso ya mmeleng. Motho a ka bua le e mong ke tsela e mo hlekefetsang kapa a hla a ama mmele wa hae kapa a mo otla. Selefounu le yona e ka sebediswa ke bana ba bang ho hlekefetsa ba bang. Ngwana a ka romellwa melaetsa e mo hlekefetsang ke ba bang. Melaetsa ya ditshoso, ya ditshokelo le ditshwantsho tse tshabisang kapa tse kgethollang e ka romellwa bana ba bang hona ka phaposing ya ho rutela. Sena se bolela hore boitshwaro bo sa lokang boo ebileng bo akgang tlhekefetso bo ka etsahala hona pela titjhere mona mme a sa bone letho.
Boshodu le bona bo beha polokeho ya bana tsietsing. Disenyi kapa dinokwane tsa diselefounu ha di sokole diphofu tsa tsona hobane bana ba rona ba a di pepesa moo ba tsamayang. Ho bona diselefounu di supa maemo kapa setaele. Disenyi ha di se di ile tsa hlwaya phofu ya tsona di a e 'disa' le ho sala mohlala wa yona morao. E re moo ho leng ngwese teng di hlothole selefounu. Haeba phofu e le manganga kapa e leka ho phahamisa mapheo, ke hona mona moo disenyi tsena di sebedisang dikgoka teng. E ba phofu e a otlwa le ho rahakwa hampe kapa ho sebediswe dibetsa tse kang dithipa kapa dithunya.
Taba e neng e boetse e nthatafalla ke hoba le mosuwe 'Terror' Sithole o ne a iponahatsa feela hore o a tjha o a tuka mono ho Seipati. Ke ne ke bona hore ha a ka tshoha a mpone feela le Seipati, a ka ntshenya letlalo. Empa taba ke ho re ha ke robetse ke ne ke nahana Seipati, ke lora yena feela ka matsatsi a mangata; le ha ke phofa ke sa phofe mataese le dikarete, ke phofa yena. Moretlo ke a bona o ne a ye a utlwe mephofo le mepoto ya ka bosiu.
Ha Moqebelo o fihla ka be ke lokela ho nkela leeto la ka la mabaka a ka hona Orlando ka terene. Ha ke fihla seteisheneng ke ha ke fumana moo le bona ba kenang hona tereneng eo ke e palamang. Ka baka la batho ba bangata ra kena ka potlako, mme ka tshoha ke se ke dutse pela Seipati ke sa elellwa, ebile e se ka takatso ya ka. Taba jwale tsa eba mpe. Letswalo la nthe hee! Ka ka ka makala hore jwale ke ntho nngwe e mpapisitseng le motho eo. Ka ba mehopolong e mmedi. O mong wa boi, wa thabo, thabo e neng e le kutung ya pelo, o ne o re na Modimo o ntswela kae ha o mpeile pela leebanakgorwana lena haeka ke futhumetse ha monate tjena. Mohatsela le mofuthu di ne di mphapanelana, di mpakela mahlomola.
Ha e le pelo ya ka yona e ne ntsieditse. E ne e tshwere metjeko ka sefubeng sa ka, e le ha e utlwa diphala tse neng di lla ka hloohong. E tlohe e rethe jwalo ka Mapaqwa ka dikgohlopo, e le ha ho lla katara yona ya diphotha ka hloohong; ya tloha ya rutha mohobelo wa Mazulu, e le ha ho tidinya meropa, le diatla di tshetse lethala hloohong; ya boela yaka e a tlala, e a thenthetsa, e le ha e utlwa eka ke fela moya. Athe ke ha Seipati a bua le nna. Ke a bona le yona e ile ya nyaroha, ya ikutlwa e lokela ho thola le ho theetsa tsebe ya yona, e patile mohwasa, ha thoromedi ena e bua.
Kodisang, o ya kae ka nako e' 'Ke ya Orlando.' 'Na o ya ho abuti Moratehi''Ke ya ho motswalle e mong wa ka teng. Lona le tla kgutla neng teng''Motsheare wa mantsiboya hosane. Re tla tshwara terene ya hora ya bone. Ha re batle ho kgutla bosiu?
Ke ne ke se na morero wa ho kgutla tsatsing leo, ka ha tsa moo ke yang ke ne ke sa di tsebe.
E qotsitswe le ho lokisetswa morero ona ho tswa bukeng ya Sethabela N.
Polelo ena e temekisong ya tatolo (kganyetso), 'Ke ne ke se na morero wa ho kgutla tsatsing leo.'
Ha e le pelo ya ka yona e ne ntsieditse.
Polelong e latelang lentswe le ngotsweng ka botsho ke lekgethi. 'Ka baka la batho ba bangata re kene ka potlako'. Ngola sebopeho sa makgethi a ka masakaneng ka nepo. Ngola dipolelo ka botlalo empa o sehelle lekgethi la hao mola.
Kodisang o ne a na le taba (-holo) le Seipati.
Kodisang ha a qeta nako (-lelele) ho motswalle wa hae Orlando.
Lebitso lena 'mephofo' le bopilwe ho tswa ho motso wa leetsi '-phofa'. Ngola dipolelo tse latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa polelo ka nngwe.
Le ha Kodisang a ne a na le (-kgahla) ho Seipati, o ne a mo tshaba.
Qalehong Kodisang ha a ka a utlwa (-bua) ya Seipati.
Lentswe lena 'rutha' le na le meelelo e fetang bonngwe. A ko le sebedise dipolelong tse pedi moo o totobatsang moelelo ya lona e fapaneng.
Lentswe lena 'hloohong' polelong ena, 'diatla di tshetse lethala hloohong', ke lehlalosi la sebaka. Ngola polelo ena hape empa o lokise sebopeho sa lentswe la ka masakaneng ho nepahatsa moelelo.
Hang ha Kodisang a kena ka (kgang) ya terene feela a re ptjangptjang le Seipati.
Dikgomo tsa boKodisang di fihlile (mohwang) e sa le hoseng haholo.
Sebedisa maelana/dikapolelo dipolelong tseo e leng tsa hao ho bontsha kutlwisiso ya hao.
Lentswe lena '-bona' le ka sebediswa ka tsela e hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng.
Ho na le makopanyi a sebedisitsweng temeng e ka hodimo.
Sebopeho sa leetsi dipolelong tse latelang se fosahetse. Ngola dipolelo tse latelang ka nepo, o se o lokisitse sebopeho sa mantswe a ka masakaneng.
Kodisang o ne a sa (-itlwe) ka lebaka la pelo ya hae e neng e mo tsieditse ka nako eo.
Seipati o ne a sa (-utlwa) hantle ha a bua ka lebaka la modumo wa mabidi a tereme.
<fn>11101VME2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Ba balehile tshotleho mapolasing.
O re ha ba eso mo hlole.
Makatikati ke maloma bona/ ke batjhana ba makatikati.
O ne a thabetse ho bona Makatikati.
Mmadiepollo o ne a bua ka pelo/ O ne a kgathatsehile.
Mohatsae/Mosadi wa hae.
Ho ikahela matlo.
Ho fihla hang feela o sa lebellwa.
Tjhelete eo a neng a tlameha ho e sebedisetsa sekolo o ne a lefella dingaka tsa mmae le ditlhoko tsa bona.
Rakgadi o ile a nka kepi a ya tjheka moriana thoteng; Ha a kgutla, a tulatula moriana; A o pheha. Ha o se o fodile a mo nwesa wona.
Mafosisa. Boholo ba baahi ba mona ha ba sebetse ka baka la leqeme la mesebetsi.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsaditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Ntshiuiwa o botswa, o bohlaswa mme hape ha a tsebe le ho pheha.
Kamore ya hae e nkga phu!
ba itsamaele butle ho fihlela a kwala...
seo o lokelang ho se etsa ke ho tshela mmila kapelepele.
Le sebedisitswe e le moetsuwa wa polelo.
E re ha mabone a se a ba buletse.
Ntswaki o tshela metsi ka pitseng.
Lentswe mmila le bolela tsela.
Mmela o sebediswa ha ho ratholwa jwala.
Ha mmela o ntse o puta.
Ke ntlha hobane ke taba e amang batho bohle, eo ba lokelang ho e tseba. Ditaaso di na le sebaka moo di tsamayang teng.
Ditoropong haholoholo ha o fumane batho ba tshela mmila mabone a sephethephethe a buletse makoloi.
Ditaaso tse sa tsotelleng matshwao a mebileng ha di bolawe ke makoloi.
Ditaaso ha di tsotelle matshwao a mebileng. Ditaaso di bolawa ke dikoloi.
empa ka bomadimabe seo se etsahala ka dinako tsohle.
Ke ba fumane ba tsamaya butle mmileng.
<fn>11101VME2008.txt</fn>
Tjhe, v Sebui se hanana le taba ya ho tena borikgwe bo bokgutshwane athe ba tshehetsang tswelopele ba re a dumellwe.
Molaotheo wa Naha o sireletsa ditokelo tsa bohle, v mme o kgahlanong le kgethollo ya mofuta ofe kapa ofe. Ho hanela basadi ho ba ditho tsa lekgotla la kereke ke kgethollo ya bong, vmme sena ke tlolo ya molao.
Se sebediseditswe ho tshehetsa le ho matlafatsa molaetsa o hlahisitsweng ka mantswe temeng/ papatsongv o fetisetswang babading o reng 'ho teng matsatsi a thata' - 'matsatsi a pula'.
Tshebediso ena ya mokgabisopuo (papiso/tshwantshanyo) e thusa ho hlakisa moelelov le ho feta, seo ho buuwang ka sona se hlaka le ho feta ka lebaka la tshebediso ya mokgabisopuo ona.
Ho buuwa ka boitshwaro 'ba ho itaola tshebedisong ya tjhelete'v e le ho ingotla dinthong tse ding tse itseng, e leng ho e boloka ka tsela e jwalo.
Ho susumetsa mmadi ho nahana ka matsatsi a phomolo v hoba hangata khemera e sebediswa hangata ha batho ba le matsatsing a phomolo.
Tshwaya ho ka dintlha tse boletsweng - tema ena ke mohlala feela.
Sebui se re bolella hore ho na le mathata bophelong ka kakaretso. vv Sebui se hlalosa hore ho na le lekunutu le utullotsweng leo le neng le sa tshwanela ho patwa ka baka la boemo boo ba ditaba bo leng ho bona. vv Ho bonahala hore baratani ba ne ba le boemong ba ho nyalana empa bas a tsebe hore ke bana ba monna a le mong empa ba fapane ka bomma bona. vv Batswadi ba hodisitse bana bana ba dutse tabahadi ena hodimo ka sepheo e le ho boloka malapa a bona a bolokehile - a sa tjhwatlehe. vvSena se etsahetse hobane Basotho ba ne ba dumela hore 'ngwana ke wa dikgomo'.le hore 'tlhompho e tswala katleho/.
diboko vMehlala: - Ntja e shweleng e ne e se e nyeunya diboko.
Basotho ba na le diboko tse fapaneng.
Polelwanakutu: Batswadi ba ne ba tsebisitswe.
Ha se utlwahale sefako sa dikulo difensetereng le monyako.
Hobane bohle ba rata ho ba le tjhelete, ka hona bohle ba tla ba le thahasello bukeng ya bona ya 'Maths Today'.
hobane letoto lena la dibuka le fumaneha ho tloha kereiting tsa 7-9.
<fn>11101VMP2008.txt</fn>
Dikgwedi tse tsheletseng.
Ho sosobana ha tsona. 9 Monko wa tsona.
Ka thoko ho toropo mmileng o moholo o kenang toropong.
Ho sosobana ha diaparo le ho se di apare nako e telele ya dikgwedi tse tsheletseng.
Ho se battle ho ba le kopano le/ho qwaya mapolesa.
Dikgwedi tse tsheletseng.
Ho toboketsa (tiisa) kapa ho matlafatsa mohopolo ona wa tokoloho eo a e labalabelang.
Ho bontsha kapa ho supa hore le sebedisitswe ka moelelo o mong oo e seng wa sethato kapa oo re o tlwaetseng.
O kopa dijo kapa ho phomosetswa ka ho hong ho itseng.
" ha e le mona Basotho bas a utlwisisa ha monna wa motsamai a kopa "metsi".
Tumelo o tswa ditlamong tsa tjhankane mme o labalabela tokoloho9athe maoto a hae o na batla tokoloho ya ho se kenngwe ka dieteng9hobane Tumelo o ne a sa rwale dieta ha a ne a le tjhankaneng.
Ho arohanya manamane le bomma ona.
Ditshebeletso tsa banka ena.
Bophelo ba lelapa.
Ho bona motho wa mme ka tsela ya hore ke yena feela ya lokelang ho etsa mosebetsi wa ho hlwekisa lelapa ke tjhadimo e leeme. 99 Ditho tsa lelapa tsohle di lokela ho arolelana mesebetsi ya lelapa.
Tjhe, 9ha ba a nepa hobane tjhadimo ena ya ho bona ditaba ka tsela ena e leeme.
Ho dula feela a ipalle koranta.
ELA HLOKO: Kgothaletso ke hore barutwana ba ngole ka dintlha. e seng ka ditemana.
Tshwaya ho ya ka dintlha tse boletsweng - tema ena ke mohlala feela.
Batho ba re mosebetsi wa ho ruta ke wa batho ba botswa. Ba re matitjhere a fumana tjhelete e ngata, empa ho se empa ho se mosebetsi oo ba o etsang.
Ba hloka tsebo ya hore ho batleha boikarabelo mosebetsing wa ho ruta. Ha se nnete, ngwana o fihla sekolong a sa tsebe letho, e be o a rutwa.
Qetellong ngwana a kgahlwe ke titjhere, ho ya ka moo e mo rutileng.
Bothata ha di kwetswe, batswadi ba re di bulwe bana ba suthe pela bona. Ba itshireletsa ka ditokelo.
Tsietsi a nna a nyoloha jwalo, noha e tala ke ena.
O ile a otlana ha bohloko Tsietsi.
Tsietsi a kgetha lekala le hodimo.
Tsietsi o ne a tshwere ropo e telele 9haholo.
Tsietsi a fihla a hlwella lekala le lesesane.
Tsietsi o ne a batla ho ipolaya hobane a hlokile ya mo eletsang.
Tsitsi o ne a hloka hore a thuswe pele a etsa seo.
Tsietsi a tla a tenwa ke moleko ona wa noha.
Lekala le letle la ho phetha morero la fumanwa ke Tsietsi.
Tsietsi ha a bososele ha a kena morunyaneng.
Ha a ka a otlana fatshe ha bohloko.
Eitse ha ropo e tiya ha hla ha ba lefifi mahlong ho Tsietsi.
Hona haufi le sefate seo ho ne ho na le sefifi sa phoofolo e shweleng mme ho nkga sebodu.
Ba habo Tsietsi ba ne ba aparetswe ke bofifi ka mora lefu la hae.
Tsietsi o tenwa ke batho ba mona ba mo honohelang.
Tsietsi ha fihla mona tlasa sefate se setle a thaba haholo.
<fn>11101VQE2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bala tema e latelang ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse e latelang.
E ne e le matsatsi a ka bang mararo monga lelapa lena le bana ba lona ba robala ka tlala. Lebaka ke hobane mosadimoholo Mmmadiepollo o ne a sa kgone ho theohela. Ha e le ho totoba teng mosadimoholo o ne a sa kgone ho totoba. Mosadimoholo Mmadiepollo o ne a dula le ditloholwana tsa hae tse hlano. Ba babedi ba baholwanyane ba bananyana e ne e le ba moradi wa hae e moholo ya sebetsang Benoni. Anthebane ba bararo bona e ne e le ba moradi wa hae ya neng a hlokahalle kotsing ya koloi mohlang a neng a e tla hae. Baradi bana ba hae ha ba ka ba tloha ba ile ba tseba lenyalo. Mosadimoholo le ditloholwana tsena tsa hae ba ne ba lokela ho hlokomelwa ke moradi enwa wa hae e moholo.
Mmadiepollo o dula Lusaka e leng motse o rehelletsweng ka o mong wa metse ya Zambia. Lusaka ke motsana o ka borwa ho motse o bitswang Masilo. Metse e mmedi ena e arohantswe ke seterata. Hona ho bolela hore Masilo le Lusaka ke ntho e le nngwe. Ho mpang ho di kgetholla ke ho re Lusaka ke setlabotjha seo matlo a sona e leng a mekhukhu. Baahi ba Lusaka bongata ba bona ke batho ba balehileng tshotleho mapolasing; ha ba bang bona e le batho ba tlileng motseng ona ka sepheo sa ho tla ithuela mobu oo e leng wa bona. Bongata ba baahi ba mona ha bo sebetse ka lebaka la leqeme la mosebetsi.
Jwalo ka baahi ba bang ba mona, Mmadiepollo le ditloholwana tsa hae ba phela ka dilopi. Ho phela ka ntle ho dijo e ne e se taba e neng e ba makatsa ka ha ba ne ba e tlwaetse empa le ha ho le jwalo ba sa e thabela. Dieketseng le Tlalane, e leng bana ba moradi wa hae e moholo, ba ne ba tsamaya sekolo ka bofokodi bo makatsang. Mosadimoholo Mmadiepollo o ne a dula a itlaleha lehlaba le mo nkileng ditshiu tse ngata le hana ho fola.
Ka tsatsi le leng Makatikati, e leng mora a le mong feela wa Mmmadiepollo a re balakatha! hoja a ne a sa lebellwa, ka ha e ne e se e le dilemo tse balwang ka mashome e sa le a kgolwa. Batho ba bangata ba ne ba se ba bile ba mo tetse ka kgopolo ya ho re o se a ne a ye boyabatho. Eka Makatikati o tena a etla hae tjena ka lebaka la hobane o ne a ile a teana le ya ileng a mo bolella ka bophelo bo fokolang ba mosadimoholo.
Nakong eo boMakatikati ba fihlang lapeng mona, ba fumane mma boDieketseng le yena a le teng. Kgaitsedi ena ya hae e ne e tlilo bona mosadimoholo mmabona le yena. E mong ya neng a boetse a le teng e ne e le rakgadia bona. Mosadimoholo Mmadiepollo mane moo a sekameng teng o ile a se hlole a utlwa mahlaba ha ba mmolella ho re Makatikati le yena o qeta ho fihla le mosadi wa hae ngwetsi ya hae.
Mosadimoholo Mmmadiepollo a se kgitla ha bohloko habedi hararo yaba o a thola. Ho ile ha ba le kgutso ka ha o ne a se a sa bokolle empa ha e le marameng a hae dikeledi tsa nna tsa keleketla ho ya ho ile. Dikeledi tsena e ne e le yona meokgo ya thabo hantle. Makatikati, kgaitsedia hae ba mo atamela ho bona hore na ketso ena e bolela eng. Ba fumana sefahleho sena sa hae se edile ebile e ka se ntse se bososela. Ha ba tadimisisa ba fumana hore mosadimoholo o ntse a kwala mahlo butlebutle le hona. Kgaitsedi ya Makatikati a se hlabela hodimo seboko. Ha e le rakgadia bona yena a mo thiba a ba a mo kgalemela ka thata a re a tlohele ho tuba. Ha eo a se a kgutsitse rakgadia bona a re photse! ha a fihla ka ntle a nka kepi a theohela mane thoteng. Hoba a kgutle a tulatula moriana oo a neng a tswa o tjheka, ha a qeta a o phehela mosadimoholo; ha moriana o se o fodile a mo nwesa wona.
Mosadimoholo o ile a fufulelwa mofufulelo ona o e so ka ba o bonwa hoba a nwe moriana oo. Mofufutso ona e ne e le mofufutso o nkgang ha bohloko ka tsela e makatsang. Dikobo tsa mosadimoholo di ne di le metsi di re tee! hoo e neng eka di tshetswe ka nkgo ya metsi. Ha mofufutso wa mosadimoholo o se o emisitse, rakgadia Makatikati a mo kenya bateng ya metsi a futhumetseng; ha a qeta a ntano mo tjhentjhela dikobo le ho mo busetsa moalong wa hae hape.
Mantsiboya ka bohora ya bosupa mosadimoholo a phaphama, ha a qeta a ba a totoba ho ikisa ntlwaneng. Erekaha a ne a sa fokola, rakgadia Makatikati a mo tshehetsa jwalo ho fihla le ho kgutla ntlwaneng. Jwale a fuwa lesheleshele leo rakgadia Makatikati a neng a mo fehletse lona. Yare ha a qeta ho nwa rakgadia Makatikati a mo pharehela moratha le diretlo tse neng di se di ntse di mo emetse. Kgidi, banna! ka mokgwa oo pelo ya hae e neng e le tshweutshweu ka teng a se ke a ja le kgale hona mohlang oo.
Ha metsotso e ntse e ja babedi, Makatikati a bitsetsa bohle ka mane ka ho Mmadiepollo. Ha bohle ba se ba feletse a tswa molomo. 'Ke maswabi haholo ha e le mona ke ile ka le lahla nako e telele ke tloheletse dintho tsohle ho wena kgaitsedia ka ha mmoho le wena rakgadi. Ke rata ho kopa tshwarelo ha e le mona ke ile ka lahla boikarabelo ba ka. Ha e le ho tloha hona kajeno lena ke ikemiseditse ho le thusa le ho jara boikarabelo ba ka. Hona jwale tjena ke rerile hore ha ke tsamaya ke tsamaye le Dieketseng le Tlalane hore ba yo kena sekolo ho nna kwana e le hore ke imolle kgaitsedi ena ya ka.'
Motho ya ileng a araba taba ena ka pele le hona, e bile mma bana. 'Makatikati nnake, ke thabela ha e le mona o hlokometse bohlaswa ba hao hape ke thabela boinyatso ba hao. Ha e le tshwarelo yona ngwaneso o tla e fuwa ke ba baholo, haeba ba tla etsa jwalo etswe e le bana ba sa phela. Ha e le ho tsamaya le bana ba ka teng ke ne ke re o se ke wa ba wa leka ho etsa jwalo hobane ha ba e so ntlhole.
Bolela mabaka a mabedi a entseng hore baahi ba Lusaka ba tlo aha teng.
Boiteko ba Makatikati ho rarolla mathata a lelapa e bile bofe?
Lebaka la mmabona la ho hana tlhahiso ya Makatikati ke lefe?
Ha Mmadiepollo a tla se kgitla ho ne ho etsahetseng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba lehlaba le neng le tshwenya mosadimoholo le ne le bakwa ke eng?
Mohlang Makatikati a fihlang habo lapeng, o ne a tsamaya le mang?
Hobaneng ha Makatikati a ile a kgutlela lapeng?
Ho ya ka kgatsedia Makatikati, se neng sekolong ka tshwanelo ke sefe?
Bolela hore na dipolelo tse latelang ke Nnete kapa Mafosisa tshehetse ka ho qolla ho tswa temeng.
Bala ditaba tsa temana ena e latelang o ntano di akaretsa ka mantswe a pakeng tsa 60 - 70 o hlahisa diphoso tsa Ntshiuwa lenyalong. Ngola ka mantswe a hao, ka tsela ya ho lokodisa dintlha. Qetellong ya ditaba tsa hao ngola palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Basotho ba ye ba re: 'Lenyalo ke kabelo.' Lenyalo le sa tlo qeta kgwedi esitana le beke le ye le itshupe. O tla fumana beng ba lona ba rwetse ka mokeke. Motho a re ka re o hlaha ka nqena, o kopane le Masilo le kgarebe ya hae. A re ka re o hlaha ka nqane, o se a thulana le Masilo le kgarebe ya hae hape.
Ka mora kgwedi tse tharo, Masilo le Ntshiuwa ba se ba nyalane, Mmamasilo o batla ba mo tswele ka ntlo, ba yo hira, hobane mohatsa Masilo o botswa, o bohlaswa, ha a tsebe le ho pheha. O bohale le ho ba bohale. O nyotola molomo le ho swenya nko ha a bua le mang kapa mang ka ntlong. Ha a tshwara eng kapa eng, o e tshwarela thoko kwana, ekare o tshwara ntho e nyonyehang, e tla tloha e mo senyetsa botle boo a leng bona.
Mohla a itherolotseng, a re o fiela phaposi ya bona, ha a ntsha diphatjana tsa maoto, o di hula feela. Ha a tshwanetse ho kgumama a korope kapa ho phumula le ho bentsha tapeiti, o a tsorama, a etse mabalankwe feela. Monna le yena o bona dintho tse ngata di sa ye ka tsela. Dijo o ja mahe a hadikilweng mehla ena. Hempe o e apara matsatsi. Habo o ne a apara hempe e hlwekileng letsatsi le leng le le leng, ho tloha ha e sa le ngwana, a kena sekolo.
Diaparo tsa ka hare le tsona, o bona a nka matsatsitsatsi pele a ka fuwa tse ding tse hlwekileng. Betheng mane moo ba isang masapo ho beng, ho se ho le leratanyana le thibang dinko. Ha motho a phahamisa kobo e ka hodimo, letsuka le a itlhahisa. Masilo o qala ho utlwa le ho bona hore tsena dintho le tsona di teng bophelong.
Ha ba hlaha mosebetsing, ba se ba eya habo Solly thelevisheneng hoba jwale ho sebakana le moo Masilo le mosadi ba hirileng teng, kapa ba se ba ikela baesekopong. Ba tla tla ba rekile tlhapi, ditapole le dikurubi tse pedi. Ba hlatswa mahano feela etswe ba ile ba ja ha 'Tjhesanyama' pele ba eya baesekopong.
Nkgonwa rona hlooho o ne a qetele mohla lenyalo ho e hlatswa le ho e kama. Wiki e lahlelwa hloohong hoseng ho hong le ho hong ha ho uwa mosebetsing. Ha ho ka etsahala hore e fefolwe ke moya kapa e tloswe hloohong ka tshohanyetso, batho ba ka bona dihaeya. Manala a matsoho ke metjhwebelele, a bile a kgopame pele mane ke bolelele. A pentwa letsatsi le letsatsi ka diferefe tse fapaneng tse tla tshwana le diaparo kapa dieta. Le manala a maoto a pentilwe. A mang ke mekwepa ena, ekare a mosadimoholo ya tshetshethang le bosiu.
E qotsitswe bukeng ya Sefatsa SL,'Makomo'.
Bala le ho boha tema e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse itshetlehileng hodima ditema.
Dipolelo tse latelang tse tswang temeng di na le diphoso. Di ngole hape mme o lokise diphoso tse ho tsona.
' ba bangata ha ba sa ikgathatse hohang ka ...'
' ba itsamaye butle ho fihlela a kwala ...'
' seo o lokela ho se sebeletsa ke ho tshela mmila kapelepele ...'
Polelwana ke ena e tswa temeng: 'e re le ha a se a buletse bona',.
Bolela hore na leemedi 'bona' le sebedisitswe ka tsela e jwang.
Ngola polelwana ena e ka hodimo hape empa o e qale tjena: E re ha mabone a...
Temeng mona ho buuwa ka ho re ditaaso di tshela mmila.
Sebedisa lentswe tshela polelong ya hao ho bontsha moelelo o fapaneng le o sebedisitsweng temeng.
Na lentswe mmila le fapane jwang le lentswe mmela?
Maele a Sesotho a re: Ha mmila/mmela o ntse o puta.
Mongodi wa lengolo lena o re: 'Mmila ke wa makoloi, e seng wa batho.' Na polelo ena ke ntlha kapa ke mohopolo feela Tshehetsa karabo ya hao?
Ditoropong haholoholo o fumana batho ba tshela mmila mabone a sephthephethe a buletse makoloi.
Ditaaso tse sa tsotelleng matshwao a mebileng di bolawa ke dikoloi.
Ngola dipolelonolo tse ileng tsa kopanngwa ho bopa polelomararane e ka hodimo ho 3.5.
Polelo ke ena. ' empa ka bomadimabe seo ha se etsahale ka dinako tsohle..' Ngola polelo ena sebopehong sa tumelo.
Polelong e ka hodimo ' .. ka dinako tsohle ..' Ke lehlalosi la nako. Ngola polelo eo e leng ya hao mme eo ho yona o sebedisitseng lentswe 'mmila' e le lehlalosi la sebaka.
<fn>11101VQE2008.txt</fn>
Araba dipotso KAOFELA. Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo (Karolo ya A, B le C).
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme ho sehwe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola pakeng tsa potso e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho ebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le ha eba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Le kajeno Mohau o ntse a sa bo hlothe. Jwale ke hona a utlwang hantle hore o hlile o lahlehile. Ho hlakile hore bophelo ba hae bo ke ke ba hlola bo tshwana le ba pele. Hohang bophelo ba hae bo fetohile, mme o tla lokela ho itlwaetsa bona bo botjha. A tadima nako, mme a fumana e eme metsotsong e mashome a mararo ka mora hora ya bosupa. E se e le motsheare. Mehleng e ne eba o se a nwele teye ka nako ena. E ne eba o se a ntse a letsa molodi ka ntle ka kwana, a ipinela difela ka thabo. Matsatsing ana molodi o hana ho hlaka. Ho bosula.
Mohau a tadima leboteng, mme a bona ditshwantsho tse moo di le jwalo ka ha eka o qala ho di bona ha esale. Seo ke moo ba leng babedi le mohatsae ha ba ne ba le Thekong kwana, lewatle. Ba tenne diaparo tsa ho sesa. A ko bone ka moo ba leng batle ka teng! Ba tshwaneleha ho tshwaneleha. Sane ke moo ba leng mane lebaleng la dipapadi. O tenne borikgwe bo bokgutshwane. O hopola ka moo taba eno ya borikgwe bo bokgutshwane e neng e batla ho iphetola qaka ha a ne a fihla mona. Ho ne ho thwe moruti ha a tshwanela ho bonwa a tenne borikgwe bo bokgutshwane. Lekgotla le bile la tlameha ho dulela taba ena fatshe. Basadibaholo ba ne ba lomahantse meno, ba re ha se toka le tshwanelo hore moruti a pepese dirope ka ntle. Ba ne ba haketse, ba re hoo ke ho itlhompholla setjhabeng.
Phutheho e tla reng, moruti' ba ile ba realo. 'O tsebe hore jwalo ka moruti, o modisa wa setjhaba sena. Setjhaba sena ke bana ba hao. Ba tla reng ha ba se ba bona ntata bona a tsamaya a behile mephekapheke ya dirope ka ntle Ba tla reng?
Moruti ke motho e motjha,' ba bang ba ile ba mmuella. 'Ke motho ya ratang dipapadi le bophelo bo botle. Nna ha ke bone phoso ha a bontsha batjha hore ho ikwetlisa ke ho baballa bophelo.'
Ke dumellana le wena weso,' ke motlatsi wa taba eo ka mahlahahlaha a maholo. 'Nna ha ke tsebe hore hantlentle ba batla eng. Ha a ne a robetse, e le otseotse e sa tsebeng ho phahamisa le leoto, ba ne ba tla re ba tliseditswe boroko phuthehong. Jwale, le teng ha a bontsha bophelo, ha ba rate! Hantlentle motho ke ntho e jwang A ke le hleng le mpolelle!?
Dirope tsa moruti lepalapaleng' Ba bang ba botsa. 'Le kgale! Hoo ke tsona dihaeya tse ke keng tsa dumellwa ke kereke e itlhomphang. Hobaneng le sa dumelle mosadi hore le yena a behe dirope tsa hae lepalapaleng Hobaneng?
Hobaneng e ke keng ya bapiswa' ba botsa ba thohothetswe. 'Ntho eo ke leeme le leholo! Ke apartheid ena e hlolang e bolelwa. Batho bana bobedi ba bopilwe ke Modimo. Hobaneng ho tlameha hore ho be le kgethollo?
Le a e bona he taba ya ho kenya basadi makgotleng a dikereke' Ba bang ba botsa ba se ba kgenne. 'Ha eba ha le e so bone, e be le a bona. Tsena ke ditholwana tsa tswelopele ena ya lona e kgahlanong le ditaelo tsa Modimo.?
Le a iketsisa, ho realo ba bang. 'Ke hokae moo Modimo o reng mosadi a ikeme ka ditshenana tabeng tsa tsamaiso ya kereke Re sa ntse re tla bona mehlolo!?
Mosotho o re sekotlo sa monna ke leralla. Hosane re tla utlwa le se le re sekotlo sa mosadi le sona ke leralla! A ko nahane feela! Ha re hanana le taba eo, le tla be le ikema le re re leeme! Mehlolo! Dihaeya!
Yaba o e hlotse monna wa Mosotho nyewe. Sekotlo sa monna se tla dula e le leralla, empa sekotlo sa mosadi sona ke patuwe, mme se ke ke sa fetoha leralla le kgale! Yaba taba e fedile, ke kgotso. Le ha ho nnile ha eba le ba honothelang dikgutlwaneng, taba eo ha e a ka ya hlola e tliswa ditafoleng tsa lekgotla. Le kajeno moruti o itenela borikgwe ba hae ka bolokolohi.
Moruti Motswahole o bososela feela ha a hopola taba eo, a sisinya hlooho. Ke nnete, ho tla dula ho le jwalo. Batho ba bang ba fetola taba e sa reng letho taba. Mohlomong e be e le hobane ba se na ditaba tseo ba ka tsepamisang dikelello tsa bona ho tsona. Ka mehla batho ba se nang ditaba ba qamaka haufi, mme ba tsomana le tabanyana le ha e ka ba kaenyana feela, mme e be ba se ba e butswela, ba e etsa taba. E be sekotlo sa mosadi se ka fetoha leralla jwang Moruti a tsheha a le mong. Ke lekgetlo la pele a tsheha tjena kgweding ena?
Mohau a nanabela lebokoso le tshwereng mangolo a melaetsa ya kutlwelobohloko eo setjhaba se ileng sa mo etsetsa yona matsatsing a sa tswa feta.
Mophetwa eo ditaba tsena tse hlahellang ka hodimo di mo potapotileng lebitso la hae ke mang?
Sesosa sa kgohlano e hlahiswang ke mongodi dipakeng tsa mophetwa eo le ditho tse itseng tsa kereke ke sefe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ke eng se bakileng hore 'bophelo ba Mohau bo fetohe hoo bo neng bo ke ke ba tshwana le pele'?
Ke neng ha tabanyana ee ya 'marikgwe a makgutswane' e ne e iketsa bothata bophelong ba mophetwa eo?
Na o ka re sebui se buang mantswe aa 'tsena ke ditholwana tsa tswelopele ena ya lona ' se ka lehlakoreng la moruti kapa tjhe Tiisa karabo ya hao?
Potsong ena o se o filwe dikarabo tse nne. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tsona. Mohlahlobuwa a ka ngola feela tlhaku e mabapa le karabo eo a e kgethileng.
Sesupo sa pele se totobatswang ke mongodi hore bophelo ba Mohau bo fela bo fetohile ke...
A ho tsoha ka mora nako. B ho farasa ha mehopolo ya hae.C ho se nwe teye ya hosing. D ho tadima ditshwantsho tse leboteng.
Sekapolelo, 'ho lomahanya meno' ha se hlaloswa ka Sesotho se tlwaelehileng se bolela...
A ho loma ntho ka thata. B ho ba manganga.C ho hlapanya ka ntho e itseng. D ho ema ka ho tiya maikutlong kapa ntlhakemong e itseng.
Nakong ena eo Mohau a ntseng a nahana ka tsa ntwa ya hae le ditho tsa kereke e ne e le...
A hoseng. B motsheare. C sontaha. D metsotso e mashome a mararo ka mora hora ya bosupa.
Mosebetsi o neng o etswa ke Mohau e ne e le wa...
A ho disa setjhaba. B ho etsa ditshwantsho tsa maboteng. C ho ba moruti wa kereke. D ho kwetlisa batjha.
Ha ho thwe 'ho nnile ha eba le ba honothelang sekgutlwaneng' ho bolelwa hore ho ne ho na le ba...
A buelang ka thoko ka ntle ho lekgotla. B buelang fatshe ka lekgotleng. C ipelaetsang ka taba eo. D sebela ba bang ka taba eo.
Ebe ke hobaneng ha mongodi wa tema a kgethile ho sebedisa lentswe 'apartheid' empa ho ntse ho ena le lentswe la Sesotho Hlalosa?
Ke eng seo mongodi a lekang ho re 'behela' sona ka tsela e potetseng ka ho re hlahisetsa taba ya 'lebokoso le tshwereng mangolo a kutlwelobohloko' qetellong ya tema?
Na tjhadimo ya mophetwa ya bonang 'basadi ba sa lokela ho kenngwa makgotleng a dikereke' e nepahetse Hobaneng ha o realo Tshehetsa karabo ya hao ka mabaka a mabedi?
Hlahlobisisa tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ha mongodi a hlalosa ditjeho tse sa lebellwang o sebedisa papiso ena, 'jwalo ka ho kgaoletswa ke pula'. A ke o hlalose bohlokwa ba tshebediso ya mokgabisopuo ona moelelong wa se hlaloswang.
Setshwantshong ho na le polelo ena, 'Ka ho ba le boitshwaro, le wena o ka kgona o ka ' Ke boitshwaro bo jwang boo ho buwang ka bona moo Hlalosa?
Seo mongodi wa tema a o susumeletsang ho se nahana ka ho hlahisa setshwantsho sa khemera ke sefe, ho ya ka kutlwisiso ya hao?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o akaretsa ka mantswe a hao mehopolo ya sehlooho. Ela hloko hore kakaretso ya tema e be mantswe a mashome a robedi ho isa ho a mashome a robong . Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao. Moithuti o tla fokoletswa matshwao ha a sa ele hloko ditaelo.
Ngwaneso mathata a hlwele manolo hodimo. Ke kopa o nkutlwe hle, o nkutlwisise. Ke kumetse mme ditaba tsa ka le wena, le ho re di se di le mothating ofe. Ka mora ho mamela ka hloko, mme o itse ke se ke le moholo, mme e ka kgona a mpolelle nnete e le ho qoba diqabang hosasa. Mme o re yena ha a nkgothaletse ho kena le wena lenyalong ka ha re bana ba motho.' Morwetsana o qetelletse polelo ena ho se ho le mahleke, meokgo e kopane le mamina.
Mmamotlalentwa a iphumana a se na boikgethelo. Ntho ya mo tsokotsa ya ba ya nna ya mo kgothometsa. Dilemo di mashome a mabedi a metso e supileng a dutse taba hodimo. O ne a se a bile a kgodisehile hore ke kunutu la hae, mme ha le ntse le bolokehile lenyalo la hae le lona le babatsehile. Motlalentwa o kgaohane le Motsotuwa ho se ho se puo ha e se lehlwephehlwephe feela.
Mmamotlalentwa o bua le mora: 'Ngwanaka lebaka la ntatao le a utlwahala mme ke la nnete. Ao ke makunutu ao re sa kang ra a tseba. Ka bomadimabe makunutu a tshwana le pula hobane a a hlopha ebile a a senya. A tshwana le pitsa eo o ke keng wa hatella sekwahelo sa yona ho ya ho ile. Ha e bela e pheulela kwana sekwahelo seo.' Mmamotlalentwa a ema a tshwara mora ka letsoho mme a mo aka. A mo phumola meokgo e neng e keleketla mahlong a hae. A tswela pele a re: 'Ha ho lekunutu mona lefatsheng. Bosiu bo bong le bo bong bo hlahlangwa ke kganya ya letsatsi e talolang diketso tsa lefifi.'
Motlalentwa ke lepolesa le hlwahlwa. O ne a sa dumele ho ka fefolwa ke difefonyana tsena tsa bophelo. O lokela ho itwanela molamu wa hlooho. O ne a sa utlwisise, a ferekane, a sa itsebe ebile a sulafalletswe ke ntho e nngwe le e nngwe. Empa ho tloha letsatsing leo, Motlalentwa o ile a ithuta ho hlompha mmae le ntatae ba ileng ba mmolella nnete ya ditaba le ha batswadi ba hae ba ne ba swabile ba swabisitswe ke ditaba tse hlahelletseng pepeneneng. Bophelo bo naka di maripa!
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ke nnete hore motho tlasa letsatsi o tsamaya a teetswe hare ke ditsietsi ka nako tsohle. Ha se hore ha di sa re hlahele re bohlale, empa ke ka lehlohonolo feela. Empa he bomadimabe, jwalo ka lehlohonolo, ke ba bohle. Re tlohile hae le motswalle Tokelo re eya motjekong. Bashemane re ne re ikinne ho tsona tse loketseng motjeko diaparo. Thabo ya rona e ne e le e ke keng ya lekanngwa. Ha e le Tokelo yena o ne a bile a se a ntse a ipoledisa kamoo a tlang ho tjeka ka teng. Tjhe ra ba ra finyella moo ditjhaba di neng di robellane teng.
Wa qala mosebetsi! Moshemane a se kgwatha senare sa katara, a se kgwatha a se kgwathela lonyeng hore ya hlabehang a hlabehe. Eitse mola moo pina e loelang, mabone a re fi! Ha thola tu, ka ho panya ha leihlo! Yare re sa maketse jwalo, ha utlwahala sefako sa dikulo difensetereng le monyako. Batho ba ikwahetseng mahlong ba kena ba se ntse ba thunyetsa hodimo masenkeng. Ha senyeha ka holong. Ya eba letlaburu ho batla lesobanyana feela la ho tswa. Batho ba hatana hodimo seka bohlwa. Diboko tsona e ne e le tse hlomolang. Moo ke reng etlo, ka iphumana ke se ke le ka ntle, ke suthumelleditswe teng ke boiyane bona ba batho bo jwalo ka ditsie. Ka lehlohonolo ka iphumana ke sa tswa kotsi. Tokelo yena Ke re ke moihlwe ho fihlela lena le hodimo. Ke mang ya neng a tseba hore Tokelo elwa wa semomotela o tla hlahelwa ke tsietsi e tjee Maoba le maobane e ne e le tjaka hara ditjaka, a sa jese thweetsana ditheohelang. Empa kajeno o jwang Ke re ke moshejwahang! Tsietsi ke ngwanabo lehlohonolo. Batswadi ba ne ba tsebiswe hore ngwana wa bona o tswile kotsi e mpe?
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o fetolele mantswe a ngotsweng ka botsho hore e be malatodi/diantonime.
Ke nnete hore motho tlasa letsatsi o tsamaya a teetswe hare ke ditsietsi.
Totobatsa meelelo ya maelana/dikapolelo tse latelang ka ho di sebedisa dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Badisisa polelo ena, 'Diboko tsona e ne e le tse hlomolang', o nto araba dipotso tsena tse latelang.
Nehalana ka lehlalosonngwe/lentswe le ntseng le bolela moelelo o le mong le 'diboko' jwalo ka ha e sebedisitswe polelong ena.
Nehelana ka homonimi/mopeletotshwano wa lona lentswe le ngotsweng ka botsho ka hodimo, ebe o le sebedisa polelong ya hao ho totobatsa moelelo o fapaneng wa lona.
Batswadi ba ne ba tsebiswe hore ngwana wa bona o tswile kotsi e mpe.
Mongodi o sebedisa lebitsokgoboka 'boiyane ba ditsie' ho hlalosa bongata ba batho bo neng bo tswa monyako bo petetsane.
Dinokwane tseo di ile tsa nyamella ka hara wa difate o ka nqane ho tsela e lebang Thupadikaka.
Polelo ena, 'Thabo ya rona e ne e le e ke keng ya lekanngwa' e temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ha utlwahala sefako sa dikulo difensetereng le monyako.
Ha e le Tokelo yena o ne a bile a se ntse a ipoledisa ka moo a tlang ho tjeka ka teng.
Leetsi le ntshofaditsweng polelong ena, 'Bashemane re ikinne ho tsona' le supa boiketsi. Ngola dipolelo tse latelang hape empa o fetole leetsi le masakaneng ho supa boiketsi.
Le ha Tokelo e le moihlwe jwalo o ntse a (balla) dibuka le ho ntshetsa pele dithuto tsa hae Univesithing ya Cape Town.
Eitse ho sa rena pherekano e jwalo, dinokwane tsa hla tsa (-fa) dimenyane.
Lentswe lena 'moihlwe' le sebediswa sebakeng sa sehlotshwana sa mantswe ana a bolelang 'motho ya bonang ka leihlo le le leng kapa ya tswileng leihlo le leng'.
Pula e nang ka majwana.
Mohlankana ya seemo se selelele, ya raohileng ebile a boheha.
Bala papatso e latelang ka hloko ebe o araba dipotso tse thehilweng ho yona. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse nne tseo o di filweng.
Maikemisetso a baphatlalatsi ba papatso ena ke...
A B C D ho eletsa baithuti ho ipolokela tjhelete. ho bapatsa baithuting bukana e bitswang Maths Today. ho ruta setjhaba mekgwa le malepa a ho boloka. ho phatlalatsa makasine ya Bona.
Bohlokwa ba ho ngola lentswe Today ka ditlhaku tse kgolo tjena ke...
A B C D ho ngoka mahlo a babadi hore a tsepame lentsweng lena. ho kgabisa papatso ena hore e kgahlehe. ho kgahla bana ka ditlhaku tse kgolo. ho kgothaletsa baithuti ho qala ho boloka 'kajeno'.
Ke lentswe lefe ho a latelang le sebedisitsweng kafosahetseng papatsong ee?
Se ka susumeletsang babadi ba bangata ho reka sehlahiswa sena se bapatswang mona ke hobane bohle ba...
A B C D utlwisisa ebile ba kgahlwa ke papatso ena. ipolokela tjhelete ka ho reka sehlahiswa sena. bala buka ya Maths Today. lakatsa ho ba le tjhelete.
Bohlokwa ba polelwana ya selelekela e reng 'Tjhelete e laola bophelo ba lefatshe' qalong ya papatso ee ke bofe Hlalosa?
Papatso ee e reretswe bomang, mme hobaneng ha o realo?
<fn>11102VME2009.txt</fn>
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele (mohlahlobuwa ha a lokele ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa potso e kgutshwane mofuteng o le mong wa sengolwa).
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya A (ho Puo ya Lapeng le ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso tse pedi tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tse telele ho Karolo ya B le ya C (Puo ya Lapeng), motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, motshwayi a tshwaye karabo ya pele ho Karolo e nngwe le e nngwe, ha feela mohlahlobuwa a arabile potso e le nngwe e telele le e le nngwe e kgutshwane.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa dipotso tse telele mongolo o ngolwang ka ho takalatsa (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (), mme ho feta moo a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-a kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (ho tloha ho Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile lekgetheng le le leng, dikahare le tshebed iso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Thothokiso ya 1: Ebang o potlaka R.N.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong).
Pholletso/molamotjetje/enjambamente (3, 7, 8 le 10) Ho tlamahanya mehopolo e meleng e mmedi/taba tsa mola o ka hodimo di tswela pele ho o latelang kgefutso/kgefutsohare/sejura Ho kgina morethetho/ho bontsha tekatekano ya moelelo mantsweng a arotsweng ke sejura.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neheletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwai a ele hloko hore makgetha ana a mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe (ho ka rubriki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
Ebang o potlaka POTSO YA 1 Thothokiso ya 1: : R.N.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka. -Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehela-no e nang le neheletsano e momahaneng e lebi-sang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng. DIKAHARE LE PUO: -Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo. -Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fa-paneng ho tswa thotho-kisong. -Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso le ya sengolwa sa mofuta ona. -Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho. -Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang. -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di sutsitse, mme di phehi-sa tlhahisong ya moe-lelo o nepahetseng. -Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano. -Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme o di tiisa ho tswa thothokisong. -Tshekatsheko ya hae ke e pakang le ho supa kutlwisiso e kgabane ya thothokiso le ya sengo-lwa sa mofuta ona. -Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng. -Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di loketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle. -Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle. -Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefu-tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo. -Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e le e ka hodimo ho e maha-reng; e paka kutlwisiso ya thothokiso le sengolwa. -Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selele-keleng, qetelong le dite-maneng tse itseng. -Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo di hlahella nehelanong di sebedisitswe ka tsela e nepahetseng. -Sehlooho se hlalositswe ka tsela e kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu-llutsweng ka botlalo. -Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo. -Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo; ho bo-nahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena. -Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Bo-holo popeho ya ditemana e nepahetse. -Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae. -Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano. -Sehlooho se okolwa feela tlhalosong; dintlha tse hla hiswang di supa boiteko bo fokolang ha a araba potso. -Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ha-mpe karabelong ya hae ya potso. Dintlha tsa hae h di kgodise, ha di tshehe-tswe ho tswa thothokison -Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso ya motheo ya sengolwa s mofuta ona mmoho le ya thothokiso ena. -Sebopeho se bontsha di phoso tse entsweng mora long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bop tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse. -Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supa kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe-tseng. -Diphoso tsa puo di bonahala ka bongata. Tshebediso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Ho bontsha ho makala kapa hona ho hlollwa ha monna wa direng, a bona potongwane tsa 'mosadi' enwa.
Ke ntlha. v A pele Matshekga a feta pitsi di matha (molathothokiso wa 15) / A feta a habile ditjotjeleng.
Tomatso/ phoqov Monna wa direng o re 'mosadi' a eme ba bue hobane o a mo kgahla a le boreledi. O boreledi jwang empa a lebetse ho kuta ditedu?
Dipotongwane tsa 'mosadi' enwa ke tse makatsang batho ba hlolletswe.
Thothokiso ya 3: Peo ena P.M.
Ka maikutlo a nyahameng, a ho teneha le ho fela felo.v - Empa o lebala hore peo ena e jetswe ke wena/ molathothokiso wa 12.
O lla ka mehla ka leeme/ molathothokiso wa 5v - O lla se bohloko sello/ molathothokiso wa 19.
Sepheo ke ho neha lentswe kapa mantswe a tlisitsweng pele kgatello/sefutho.
Thothokiso ya 4: Kodiamalla T.
Ho bontsha tekano kapa tshwano ya moelelo lentsweng le tlang pele ho kgefutsohare, le ho le e latelang.
Ke phetapheto e tsepameng v hobane moleng a wa 8, 'Kajeno' e phethilwe hantle ka tlasa 'Kajeno' e moleng o ka hodimo (wa 7)vv.
E le NNGWE feela.
Thothokiso ya 5: Leribe K.E.
Mokgabisopuo, mothofatso Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo a buang ka sona.
Mokgabisopuo, mothofatso Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo a buang ka sona.
Ho tlisa toboketsa/kgatello lentsweng leo.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Thothokiso ya 6: Marothodi a letsatsi R.N.
Ke ya keletsi/thuto.v Mona sethothokisi se eletsa/ruta babadi kamoo ba ka laolang ka teng mesebetsi ya bona ya letsatsi ka leng.
E tsosa maikutlo a boikarabello v E kgothalletsa motho ho ba le taolo le tlhophiso e ntle mererong ya hae ya letsatsi ka leng.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng potsong.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le tiisetso ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong).
Tsietsi o tlohile lebitleng la batswadi ba hae a tseba hantle hore yena ha se Molapo empa ke Molakolako. O ile a ya ha malomae ho ya batla seo e leng sa ntatae, yaba o qabana hampempe le Mmamasolomane vv - Tsietsi a qabana le Mohanuwa ya neng a tseka hore ba kgutlelane ka mora hore ba lahlane. Mohanuwa a mo tsebisa hore o tla iphetetsa ka hore a mmatlele batho ba tla mmolaya vv - Tsietsi o boela a kgutlela ha Kotsi ho ya batla sa ntatae mme a qabana ha bohloko le Kotsi hoo a bileng a mo thunya vv - Tsietsi o ile a butswelana ka tholwana le mapolesa a ileng a fihla ho tla bona molato wa sethunya se kgabolang.
Tsietsi le Tseleng ba nkela Motjhesi koloi ya hae, sepheo e le ho lahla mehlala hore mapolesa a se ke a ba tshwara vv - Ha ba ntse ba baleha ka koloi ya Motjhesi jwalo, ba palamisa monnamoholo (ngakanammotwana), eo ba ileng ba mo ela ka diphalana vv - Ba tshwara mokganni wa bese (Thabo Molete) poho mme Tsietsi a phutha tjhelete ya bapalami a sa ba fe ditekete.
Tshebediso ya Puo Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka ditemana (paragraphs) le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le sebope ho le puo. Motshwayi a ele hloko ho re kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Ho elwe hloko hore rubriki e latelang e sebediswa hohle moo mohlahlobuwa a arabileng mofuta wa dipotso tse telele (tsa moqoqo) ha ho arajwa dingolwa tsa mofuta wa padi (nobele) le mofuta wa tshwantshiso (terama) ho Karolo tsa B le ho ya C.
Dikahare Sebopeho le Puo 15 10 Dik.
v vv Ke tikoloho ya mahaeng moo batho ba phelang motseng o le mong ba tsebanang hantle, mme le bana ba holela mahlong a batho ba tsebang baholo ba bona ka botlalo.
v vv Tsietsi o ile a etsa mmommori le mooki Tseleng ya ileng a mo tlela diaparo a di pata matlwaneng a banna . A tsebisa Tsietsi mme yena jwalo ka mehleng a ya moo ntlwaneng a ntse a bontsha ho opelwa.
v v v O fihlile moo kerekeng a ikgakantse a ntse a le bohloko, a batla ho iphetetsa ho Kgephola Qamaka.
Mmamokele, mohatsa malomae o ne a sa rate ho mmolella nnete ya ho re batswadi ba hae ke bomang.
Diepollo o ne a tshositswe ke ntlha ya hore malomae o ne a ikemiseditse ho mo nyadisa motho eo yena a sa mo tsebeng le ho mo tseba.
O ne a makaditswe ke ntlha ya hore le bomoruti ba tseba taba ena ya ho tla shobediswa ha hae ke Mothofeela empa yena a se na tsebo ya taba eo.
A makala le ho feta ha a elellwa hore bomoruti ba bile ba amohetse Mothofeela jwalo ka moeti wa bona moo kerekeng.
Maikutlo a hae a ile a ferekana ha a elellwa hore nkgono Motsokapere o ne a na le tsebo e batsi ka tsa bophelo ba hae empa ha a ka a mmolella letho nakong eo a neng a ntse a dula ho yena.
Pherekano e nngwe ya maikutlo e ile ya bakwa ke mohla mmangwanae Mmamokele a neng a mmolella hore mmae o ile a nyamela ka mora hoba a hlobole thapo ya ntatae mme rangwane Leemisa a batle ho mo kenela.
Maikutlo a hae a lwebehlana le ho feta ha a elellwa hore Dikenkeng eo a neng a mo phethela tsohle tse amanang le Zeblon e ne e le phiri e ka hara lekoko la nku e neng e fetisetsa ditaba tseo ho mohlankana wa hae wa mpimpi ya mapolesa. Bothata bo teng ke ba hore o ne a sa rate ho phetlela mohatla nku mashodu hore a elelliswe Dikenkeng hore o se a mmone mafolomabe.
v v Ke ditaba tsa hore ntatae o hlokahetse dikgweding tse tsheletseng tse fetileng.
v v -Mmapelepele e ne e le motho ya bohale -O ne a sa batle ha Diepollo a kenngwa sekolo a bolela hore ba senyehelwa ke dikgomo tsa bona ka baka la lefetwa la ngwanana -O ne a halefa ha monna a mo elelliswa hore dikgomo tseo ba nang le tsona ke tse siilweng ke ntata Diepollo -A halefa ha monna a mo elelliswa hore bona ha ba na bana mme ha ba senye ka ho ruta Diepollo.
O ne a ile a siya nkgono kgotla nakong eo a balehang ha a elellwa hore ke yena ya behilweng hare kgotla mme a makala ha a se a mmona a ituletse ka tlung ya hae mme seroto sa hae se se se behilwe moo se dulang se ribehilwe teng.
Ka tsatsi le leng ha taba ya bona ya lerato e se e tsitsitse, Dikeledi a utlwela hore Tsekiso o hlola a bonwa le ngwanana e mong wa ka Sharpville.
Eitse ka tsatsi le leng a tsamaya le motswalle wa hae ba ilo rekisa ka komponeng, ba bona ngwanana le mohlankana ba nyamella ka thotaneng.
O ile a ba hlokomediswa ke motswalle wa hae Mpuse le teng ba se ba kgutla hore motho eo ke Tsekiso le ngwanana e mong ya sa keneng sekolo Lekwa-Shandu.
Ha a re mahlo tloha, a bona Tsekiso a kgomaretse ngwanana eo, a mo tlapuretse lethekeng mona eka o batla ho baleha kapa o tla tloha a robeha. A leka ho iphapanyetsa sena empa pelo ya hana.
Ka le hlahlamang a ngolla Tsekiso molaetsa wa hore o batla ho mmona ha sekolo se tswa. Bakeng sa hore Tsekiso a arabe ka mokgwa wa teng, a bua le yena feela moo ba bang ba ntseng ba utlwa ho re ba tla kopana pela habo Mmankileng. Sena sa utlwisa Dikeledi bohloko hobane o ne a elellwa hore Tsekiso o mo etsa sephoqo ka pela bana ba bang.
Bakeng sa ho re Tsekiso a fihle jwalo ka ha ba ne ba tshepisane, a se ke a fihla. Hoseng ha letsatsi la Labohlano a neheletswa buka jwalo ka ha e le tlwaelo ya bona ha ba fana ka mangolo.
O ne a tshepile hore ka hare o tla fumana ditaba tse monate empa ka bomadimabe a fihlella molaetsa o mmolellang hore lerato le fedile.
Ha tseo di se di etsahetse ha ba le pherekano eo ho ileng ha ba le batho ba reng ba tlo kopa mohope wa metsi habo Dikeledi. Dikeledi yena a nahana hore molaetsa wa mofuta oo o tswa habo Tsekiso athe ha ho jwalo.
Tsekiso ha a utlwa hore Dikeledi o bolelletse batho hore ba habo ba ne ba tlilo kopa mohope wa metsi a halefa habohloko mme a mmuisa hampe feela. A mo tjodietsa ka mantswe a bohloko hoo Dikeledi a ileng a sarelwa habohloko.
Kgohlano pakeng tsa Mmateboho/Dikeledi le ba bohadi ba hae ba Matatiele ba neng ba tlile phupung la Mme.
Ha Bafokeng ba fihla ho tswa Matatiele, ba ile ba hla ba makalla taba ena ya mosadi enwa ya tlilo patelwa motseng wa ngwana bona empa ba sa mo tsebe hore ke mang.
Ba ne ba bua dipuo tse kobisang le ho seholla Mmateboho habohloko.
Basadi ba Bafokeng bona ba ne ba hlile ba kapile mollo.
Mmateboho o tlisitse mofu enwa ya sa tsejweng ha hae hobane feela a ipatlela tjhelete ya matshediso.
Bona ba ne ba bile ba bua ba sa ipate.
Ka mora phupu ya Mme, ha batho bohle ba se ba tsamaile ho setse ba leloko, rangwane a iketsa ramohlongwana, a epa pitso ya ba leloko moo a neng a tlilo qosa Mmateboho ka ho tlisa mofu ya sa tsejweng hore o tswa kae lapeng la mora wa bona Thollo.
Mofokeng le yena o ne a hlile a habile hore mosadi a arabe a tswe a utlwa hore motho enwa ya neng a patelwa ha hae mona ke mang.
Mohatsa Lesole, e leng molamo wa Mmateboho, a di kena ka sehlotho ditaba tsa Bafokeng.
A bolella Bafokeng hore ba tlile mona ba na le moya o tletseng dikaqa, o mobe o tletseng lehloyo.
A ba bolella hore dipuo tsa bona di mpe mme di baba jwalo ka mohalakane.
Ka mora ditaba tsa mohatsa Lesole, ha hlaha motho ka ho Bafokeng ya neng a rata ho tseba hore ke mang ya neng a nyalle Thollo. Bafokeng ba mo phobola molomo ka pele ka ho elellwa hore a ka nna a kgwatha tsa semana.
vv v Dikeledi o ne a nahana hore batho ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi ke ba habo mohlankana wa hae Tsekiso mme ka hoo o ile a dumela ntle le qeaqeo hore o tseba monga ditaba.v O ile a ba a bolella motswalle wa hae ka tsa ho kotjwa hona ha hae mme sena se ile sa halefisa Tsekiso haholo.
v vv v Tjhe. Bophelong ba Dikeledi ba lenyalo ha ho moo a ileng a kopana le mathata a makaalo. Maemo a hlaloswang ke dipolelo tsena ha ho moo a kopanang le ditaba tsa pale ena.
v Titjhere Masitha o ne a tshajwa haholo ke bana ba sekolo mme Dikeledi o ne a tseba hore moshanyana enwa o tla mo tlohela ka pele ha a utlwa hore o a tla.
vKe ho re Tsekiso ha a mo ngolla lengolo jwalo ka ha e le tlwaelo v Ke hore Tsekiso o ile a phasoloha feela ka hara baithuti ba bang ho bontsha hore o mo etsa sephoqo.
O kgothaleditswe ho nyalwa ke monna eo ke motswalle wa hae Mpuse mme a mmontsha hore ha ho motho ya kileng a hana lenyalo le itlisang.
vv vv vv Kotopi o ile a hana keletso ya mofumahadi wa hae Sebuweng Ka baka leo a kena morerong wa ho bolaya Moletsane ya ileng a mo tsamaela mme Kotopi a hloleha ho robala.
Molefi ke sebapadi sa sehlooho mme ke morutehi ya okametseng lekgotla la dinyewe Maseru. O sebetsa le bahlankana ba habo Ngatane, Ramafothole le Mofammere.
Metswalle ya hae e mmedi e leng Mofammere le Takadimane e boetse e mo hlokomedisa ka bobe le bokgopo ba monnamoholo Mapetla, empa Molefi ha a amohele sena. O bolela hore Mapetla ke motho ya itjellang letsina feela.
Ha a tswa Mpharane ho ya bona malomae ya tshwerweng ke maoto, o fapohela jwaleng moo boMofammere ba ntseng ba inyorolla teng.
Mapetla le yena o fihlile moo mme a bolella boNgatane hore ditlhare tsa hae di sebeditse ke kahoo Molefi a seng a lahla Montsheng.
Puo tsa Mapetla di bontsha hantle hore o batla ho bona Molefi e le sekatana empa Molefi ha a batle ho amohela sena.
Molefi ha a batle ho sebetswa ka ditlhare jwalo ka ngwana wa Mosotho le ha a se a bile a eletswa ke mmae Mojabeng le metswalle ya hae e mmedi e leng Takadimane le Mofammere.
Molefi hammoho le ntatae Pitso ha ba dumellane le taba ya methokgo empa ba tshepile thapelo le ha ebile e le Basotho.
Molefi le ha kgarebe ya hae e rutehileng Jwalane, a bontsha ho mo tella le pele ba nyalana, o ntse a tswela pele ka taba tsa hore o tla mo nyala.
Molefi o rekile koloi mme mmae Mojabeng le kgaitsedie Disebo ba ntswe leng hore ho tshollwe madi mme le koloi e sebetswe.
Pitso, ntata Molefi hammoho le yena Molefi ba kgahlanong le sena, ba bona Mojabeng le Disebo ba fokola tumelong.
Monnamoholo Mapetla o tswela pele ho bontsha hore o batla ho tjhwatla lapa lena la Pitso empa Pitso le Molefi ba iphapanyetsa sena. Ha Molefi a sa batle ho mo rekela jwala o mmitsa kgowanatshwana, lejakane kapa mabalanenyana e leng mantswe a mo nyefolang kaofela.
Le ha a bona hore boNgatane ba mo fata ditaba ka Jwalane, eo ba bolelang le hore o se a mo kopetswe, o ntse a nya matsete, a ba bolella ka makatikati ao Jwalane a mo etsang ona.
Le ha Mofammere a mo eletsa, o ntse a ikentse sefofu. Mofammere o bua mantswe a kang ana ha a mo eletsa " ya hlokolosi o lemoha ha bobebe phiri e apereng letlalo la nku..." "...mahodi a patile maeba..." "...ya bohlale ke ya tla tsamaya a qwaile..." empa Molefi ha a tsotella mantswe ao.
v v v v -Ha a tsebe ho rwala dieta tsa ditopo. -A ke ke a tseba ho phehela baeti dijo. -Ha a tsebe ho bapadisa Molefi papadi ya lerato. -Montsheng o a bata. -O etsa hore bophelo bo lometse. -O tlotsa sefahleho ka keketso kamehla. -O tshwara dieta ka matsoho ha a tsamaya le Molefi. -Ha a bua o ala leleme jwalo ka mosadi wa ditenteng. -Ha a tsebe ho itlhatswa, mahafia a hae a a hoeletsa.
<fn>11102VMS2009.txt</fn>
Ho bolelwa lefifi ha le aparela lefatshe.
Ho babatsa botle ba lehodimo bosiu.
Phetapheto ya moelelo.
Bosiu bo fa lefatshe seriti hobane tse mpe ha di bonahale.
Boimanyana le bobebe.
O bapisa dintho tse neng di etswa kgalekgale hore di fetohile ha di sa tshwana le tsa kajeno.
Ho ne ho na le kgotso le kutlwano.
Menoto e hlahang tlasa mose o tennweng ke Kedibone e mesesane jwalo ka difate.
Mafahla a emetse mahlo a tseba ho utolla tse botebong ba pelo ya motho. A phatlalatsa seo motho a se nahanang kapa seo a se rerileng. Re kgona ho senolelwa tse a di patileng. Re kgona ho bona bobe le botle ba motho.
Mahlo a kgona ho sebetsa ka bobedi hobane le leng ha le tswile kotsi ho ba boimanyana ho le leng. Ha le tswile kostsi le ke ke la kgutlisetswa. Re leboha mosebetsi o motle o etswang ke mahlo. A re fa tsebo ho kgetholla botle le bobe.
Sethothokisi se kgaba ka: tshebediso ya phethapheto ya mantswe, sebopeho le mohopolo. Moleng wa 2 le 3 phethapheto ya matswe e leng (Botle) Phethapheto ya mohopolo jwalo ka moleng wa 5 le 6, 9, 11 le 12. Ya sebopeho moleng wa 18 le 19. Botle ha se mmala le kgale le mola 19. A boela a kgaba ka molatswelli mola 1, 8 le 15. Kgetho ya mantswe a kgaba ka mantswe, makgohledi, boqhamoka, boqhitolo, bompetje, bo menyaka, ditshehlo le dillo mantswe ana a kgohlela ha monate. Bonono ba tshebediso ya maele jwalo ka moleng wa 27. Dikapuo tshwantshiso: ke kweetsa, molapo o kollang metsi.
Kodiamalla. Sethothokisi se utlwahatsa / hlahisa bohloko / mahlomola a mo hlahetseng.
Ke ya kutlo. Hobane ekare re se re ntse re utlwa modumo o tshosang.
Ke letsatsi le seng monate ho yena jwalo ka ha o nwa moriana wa mohalakane. / Ketsahalo di baba jwalo ka mohalakane.
Ha kgomo e tshehadi / tswetse e shwelwa ke namane e sa emere / e sa le ka mpeng.
Seroki se sebedisa kgetho e itseng ya mantswe ho hlakisa seo a buang ka sona. Thothokisong ena seroki se kgaba ka tshebediso ya mabitsorarane kapa mabitsohokwa a nang le sefutho ho feta mabitso a tlwaelehileng. Jwalo ka "monyolosathaba", mapalesapelo le Mmaditshibana. A boele hape a sebedise mantswemakgohledi ho tuba, mofela, letlaburu, soto le soro ke mabitso a kgohlelang ha monatjana ho feta a mang. "Jo" e leng lelahlelwa le tlisa / le jere mohopolo o tshosang kapa wa qenehelo.
"A mo araba ka hore na ke mohlolo wa eng wa bashanyana ba kenang sekolo molebe, ba sa yeng naheng ho tloha Mantaha ho isa Moqebelo" A reyena ha a na tsietsi ya modisana.
A ke ke a senya nako ka ho ruta ngwana ya tla nyalwa ebe ha a tsebe mesebetsi ya lapeng.
Bana ba tla ba taolong ya Baruti le Bahlalifi e be ha ba bolle.
Banna ba bona ke bana ba motho a le mong Mafikeng ke mohatsa Mmakgama ke moholwane wa Mofifi, mohatsa Mmatheko.
Ba keke ba ba le bokamoso bo tjhatsi, ba keke ba kgona ho ikemela bophelong.
Tikoloho ya mahaeng (tse pedi feela) dithaba, dikgohlo, meru, mefibidithi le dilomo.
Ke ho lla / ho itshela ka dikgapa eka kgaitsedi ya hae e se e hlokahetse.
O ne a ilo tsoma.
O ne a hlola a nyatsitse Mafikeng ha a tsamaya le Kgama ho ya tsoma kgohlong, ka ha a ne a tseba horesebaka seosekotsi haholo.
Ho bolaya marabe le dipela tse pedi.
E ne e na le difate tse ngata tse entseng meru e teteyaneng. E le mafika a tshabehang a lefifi. Ho na le diphoofolo tse kotsi le dilomo tse kgolohadi. Ho bile ho na le letsha leo batho ba neng ba kgolwa hore ho dula noha ya metsing.
Thuto ya sekolo ke ha ngwana a iswa sekolong. A rutwa ka tsamaiso e itseng ya thuto, e itshetlehileng hodima melao. Ngwana o fuwa tsebo le tshebediso ya bokgoni ba hae. O kwetlisetswa mekga e fapaneng ya dithuto ho fihlela a bontsha bokgoniba hae. Thuto e ya ka dikgato tse fapaneng e le tlasa taoloyalefapha la thuto. Tlasa bakwetlisi ba rupelletsweng mekgeng e fapaneng ya dithuto. Bana ba tlameha ho feta ditekong tse itseng tse hlophisitsweng, ho bontsha bokgoni ba moithuti ka mong. Ba fumantshwemangolo a pakangdithuto tsa bona. Jwalo ka Santa Peterose moo sekolo se neng se le ka tlasa taolo ya kereke ya Roma. boKgama ba ne ba tlameha ho ya sekolong ka matsatsi a balletsweng. Ba le tlasa tsamaiso ya thupello ya boTitjhere Phakwe, Theresia le bahlahlobi ba dikolo. Kgama o ile a qeta mokgahlelo wa pele / mathomo a atleha ka dinaledi dihlahlobong tsa hae. A ba a fetela sekolong se phahameng se Phatlatshweu.
Setso se itshetlehile hodima mekgwa le meetlo ya setjhaba se itseng, ho ya ka ditumelo le bosetjhaba ba sona. Bana ba rutwa meetlo le mekgwa ke baholo ba bona. Thuto ena e qala lapeng pele e fetisetswa setjhabeng. Bashanyana ba rutwa ho disa, ho tsoma, ho hama. Habanana ba rutwa mesebetsi ya lelapa, e leng ho hwekisa, rwalla, dila, ho pheha jwalo-jwalo. Ha baholabalebelletswe ho phethisa meetlo jwalo ka lebollo, ho re e bebanna lebasadi ba phethahetseng. Kgama o ile a latela metsamao ya Mafikeng ka ho ba sebete. O iponahatsa ka ho ya kgohlong le ho bolaya dipela le marabe a be a ibuwe ka lejwe. Ho kula ha Theko ya eba thuto ya hore ngaka tsa setso di a Sebetsa. Theko a kula a tshwarwa ke hlooho. Ha bitswa Hlahlalebajwa ho mo phekola. O busetsa boloiho monga bona. Ya eba thuto hore dingaka tsa methokgo di a sebetsa. Keletso ya Hlahlalebajwa ya nnetefatsa hore lebollo le na le seabo bophelong ba bona. Hlooho ya Theko ya phekolwa mophatong. Dipuo le Dibakiso ba totobatsa / ba iponahatsa ka bokgoni ba mesebetsi ya lelapa. Ba hlahella setjhabeng e le basadi ba popota.
Ba ne ba batla ho mo sebedisa ho ba qhekanyetsa hobane Casalis e le motswalle wa Moshweshwe.
Ba phela ha monate ntle le tshitiso e etswang ke Basotho ho ba utswetsa mehlape.
Ke hore ho saena ho se mo amohe naha.
o batla ho qobella Moshweshwe ho saena tumellano ya moedi ntle lepuisano dipakeng tsa ditjhaba tsena tse pedi. -o batla hore Moshweshwe a saene ntle le bana ba hae.
"Athe le ne le tjhehile sefi ka nna"?
Kgotso e tla tlisa kgora naheng.
Tjhe! Ha ba ka ba kgotsofala hobane sena se ba thibela ho hlasela Basotho le ho hapa naha ya bona.
Moletsane ha a utlwisisi hore Basotho e le setjhaba se ikemetseng ebe se laolwa ke naha e nngwe.
Moshweshwe ke morena ya ratang setjhaba sa hae. Sena se iponahaditse ka ho leka ka hohle ho phemisa naha ya hae dintweng. O ile a eletsa Basotho ho nyahlatsa ntwa, o lakatsa hore ho rene kgotso feela naheng. O re ntwa e tlisa tshotleho. Tharollo ke hore yena o tla e dulela majwana. O tsamaile dikopano tsohle le Maburu ho leka ho rarolla taba ya Moedi jwalo ka Mmaletswai. O ne a sa nke qeto a le mong. O ne a rerisana le bara ba hae le setjhaba sa hae. O batlile keletso ho dingaka boKatse le Mantsopa. A sebedisa setswalle sa hae le baruti ho fumana thuso melaetseng ya Maburu le mangolo. A qetella ka ho batla thuso ho Borithane ho ba ka tlasa tshireletso ya bona. O ile a lemoha hore kolobetso e ka lahlehisa setjhaba kapa ba qhekanyetswa naha. Tsena tsohle di tlisitse kgotso Lesotho. A ithoballa a kgotsofetse naha e le ya Basotho. E kgotso ebile teng Lesotho ka mora hore Morena a leke ka hohle ho phema dintwa le maburu ka ho eletsa setjhaba hore ntwa ha e ahe e tlisa mathata a tlala, bophaphathehi, bofuma le dipolayano. Ho molemo ke dipuisano pakeng tsa mahlakore a mabedi a lwantshanang. Morena o tsamaya dikopano ho rarolla taba ya moedi. Jwalo ka kopanong ya makeleketla moo a neng a ilo buisana le Hogge hore ntwa e ke e emise. Ho fedisa ntwa ka tefo eo a e entseng ya ho lefa ka dikgomo le dipere tse dikete tse tharo. O ile a etsa setswalle le baruti kgahlanong le setjhaba hore baruti ba mo fe dikeletso le ho mo ngolla mangolo. Moshweshwe o kopa Casalis o mo ngolla lengolo le yang ho Sir George hore ntwa e ke e emise. Moshweshwe o re o tla leka ho emisa ntwa ho rene kgotso. Morena o boela a kgalemela Basotho ho tlohela boshodu ba mehlape ya maburu. Le ha tsohle tsena di mo fokodisa bophelong. O buisana le bara, mahlahana le setjhaba hore ba sebetse mmoho ho leka ho tlisa kgotso. O kopela hore Lesotho lebe ka tlasa tshireletso ya Borithane. Ka mora ho leka matsapa oohle a hlahellang ka hodimo kgotso ya boela ya rena Lesotho. Re tla ananela le tse ding tse tswang ho baithuti.
<fn>11102VQE2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 22.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso.
Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
E le NNGWE karolong ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso. Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Metsotso e 55 karolong ya C Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tsona.
Ebang o potlaka1.
Marothodi a letsatsi6.
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa POTSO E TELELE (YA MOQOQO) le e le NNGWE ya mofuta waDIPOTSO TSE KGUTSHWANE.
Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (Potso ya 1 -6). Araba potso tse THARO feela karolong ena.
O tla sudubana po!
O sulafallwe ruri le hona.
Lona le ja ya tonana kgomo.
Kgetha ke hona, kgetsi kapa tjhelete!
Ngola ka mantswe a 250 -300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao, o qoqe ka makgabane a SENG KA TLASE ho a MARARO mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Nong tsa kwenya kgomo le motho.
Ho so hana lebitso ho hana ditedu.
A lekisa tekatsi le bona dikwete.
Potongwane tsa mosadi enwa ke tse jwang, banna?
Bolela mofuta wa phetapheto e hlahellang molathothokisong wa 11.
Qoholla lentswe le totobatsang tlohelo molathothokisong wa 19.
Lebaka la sethothokisi la ho sebedisa lebotsi, qetellong ya mola wa 24, ke lefe?
Se buuwang ke Raleqheka, meleng ya 3 le 4, ke ntlha kapa ke mohopolo feela Qoholla/ntsha molathothokiso o le mong feela thothokisong o tiisang/ dumellanang le karabo ya hao?
Ke mokgabisopuo (meleng ya 9-12)?
O ntse o ipapisitse le thothokiso ena, hlalosa ka tsela e kgodisang kamoo mokgabisopuo oo o hlahellang ka teng temathothokisong eo.
O qela ka qenehelo le ka kgauhelo.
O re leeme ke tlhaka phatleng tsa marena.
Empa o lebala hore peo ena e jetswe ke wena.
Empa nnete ya sala, mojadi ke Ntate molemi ke wena.
Nehelana ka mofuta wa phetapheto e hlahellang meleng ya 1 le 2.
Bolela lebitso la mokgabisopuo o hlahellang molathothokisong wa 6.
O ka re sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang Ke mola ofe o dumellanang le karabo ya hao?
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang anastrofi (tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe moleng/polelong). O be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang kganyetso/kganyetsano, o be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Kgapha tsa tsharelo tsa iphetola diphororo.
Atleng tsa sona ba kgola thuto tholwana ya bophelo.
Mofuta ona wa thothokiso o tsejwa ka letshwao lefe le leholo?
Sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang?
Ke molathothokiso ofe o re tsebisang hore bana ha ba na bodulo bo tsitsitseng temanathothokisong ya 2 (meleng ya 7 - 11)?
Bolela ntho e le nngwe feela eo e leng sephetho/ditlamorao tsa ketsahalo eo ho buuwang ka yona thothokisong ena.
Letshwao la ho bala le fumanwang hara molathothokiso wa 14 le bitswa eng Bohlokwa ba lona molathothokisong oo ke bofe?
Melathothokisong ya 7 le 8 ho na le mofuta ofe wa phetapheto Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO ya 5 le POTSO ya 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba Potso ya 5, a se tswele pele ho araba Potso ya 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba Potso ya 6, a se arabe Potso ya 5.
Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
Araba POTSO ya 5 kapa POTSO ya 6.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba potso e tla e latela.
Bana ba Mohato ba metse methapo.
Botle ba hao, Leribe, ke bo jwang?
Kobo o apere ya bo botala jwang?
Diphula di ahlame se ka diroto.
Le tswetswe forong sa 'Dinare'.
Bata di fedile, ho setse 'Dinare'.
Jwale di a fula ba tshwere bothata.
RaLeribe, tona mahlo o re bone!
Hlalosa makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 250 - 300.
Araba Potso ena ya 6, HAEBA o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Ohle, kaofela a atleng tsa hao.
Hoba ke rothodi la maobane.
Hosasa, nnete a tla bola; ke a kajeno.
Hosasa, mala a duma a batla tsa kajeno.
Lebitso la thothokiso ena ke 'Marothodi a letsatsi'. Lebitsong lena ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe?
Hlalosa ka mantswe a hao mohopolo o melathothokisong ya 9 le 10.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Thothokiso ena e tsosa/qholotsa maikutlo a jwang ka hare ho wena Hobaneng o realo?
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa POTSO e TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, o tlameha ho kgetha mofuta wa DIPOTSO tse KGUTSHWANE ho KAROLO ya C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho Karolo ya B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Sekaseka kgohlano ya pale ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450.
Diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano ena e ile ya nama le ho qaphaletsa/ama le batho ba neng ba sa amehe qalehong ya pale.
PADI/NOBELE: BOTSANG LEBITLA (K.P.D. Maphalla) Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela.
Empa nkgono," ho kena Kgutso a se a ntse a ingwaya hlooho ke ho elellwa bothata ba qaka ena. "Taba ena o tlamehile ho e tseba, nkgono. O motho wa kgale. Ha o motho wa kajeno mona. Haeba ho na le motho ya tlamehileng ho tseba ditaba tsena, motho eo ke wena". Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka," ho realo mosadimoholo, a se a bile a fehelwa ha bohloko. "Ke itsofaletse nna bana ba ka. Ha ke sa lakatsa ho kena ditabeng ke se ke le mokaana. A ke le ntloheleng nna, ke tle ke itjhwelle ka kgotso. Ke a le kopa hle!"
Re ke ke ra o tlohela o sa ka wa re bolella nnete, nkgono. Re bolelle nnete, nkgono
Mosadimoholo a ema, a nanabela seikokotlelo sa hae, a ikokotlela ho leba phaposing e ka hare. Ha a fihla monyako a hetla, yaba o re ho bashanyana bana ba bararo: "Bana ba ka, ke le arabile, ho ntekane. Haeba le batla karabo e fetang ena ya ka, botsang lebitla". Yaba mosadimoholo o ikwalla ka phaposing ya hae, o a kgaohana. Empa ka pelo a bua dikakata.
Ntle ho Tsietsi le Kgutso ke mang e mong ya neng a le teng kopanong ee?
Taba eo ho thweng mosadimoholo o a e tseba ke efe?
Karabo ena ya mosadimoholo: "Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka", e senola sefe ka mosadimoholo tabeng ee?
Basotho ba re: "tsa habo moshanyana ha di jewe". Paleng ena, qoholla ketsahalo e le nngwe e netefatsang polelo ena.
Ho latela puisano ena ya boTsietsi le mosadimoholo, o ka re diketsahalo tsa pale ena ke tsa mehleng efe Hobaneng o realo?
Ntle ho kopano ena ya bona le mosadimoholo, ke ketsahalo efe e nngwe hona kgaolong ena e netefatsang karabo ya hao e ho POTSO 8.4?
Hlalosa hakgutshwane tikoloho eo ketsahalo e qotsong e ka hodimo e etsahallang ho yona.
Hlalosa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo Tsietsi a ileng a thoba sepetlele ka teng.
Sehloohong sa "Tseleng yena o bolaetsweng", totobatsa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo maikutlo a Tsietsi a neng a amehile kateng?
Qoqa ka latelang. 450.
Kgohlano e bileng teng dipakeng tsa Leemisa (rangwana Diepollo) le mohatsae Mmapelepele ho fihleng ha Diepollo Mahlwenyeng; -Kgohlano ya ka hare e hlahellang ho Diepollo ka baka la ho bona lefatshe le hloka nnete.
Ke tsamaile jwalo, eitse ha ke ya ke shebile motseng ka utlwa motho ya hoeletsang hara masimo. Lentswe la hae le ne le utlwahala e le la mosadi, motho wa teng ke ne ke sa mmone le ho mmona feela ka utlwa eka o hoeletsa nna. Ke ne ke tsamaya hara masimo ka nako eo ho neng ho le lekgaba ka hoo ke ne ke sa bolokeha le hanyenyane. E ne e se ntho e tlwaelehileng hore ngwanana wa dilemo tsa ka ebe o ntse a tsamaya sebakeng se jwalo le hona a le mong. Naha e ne e jele boya, ho ne ho tletse diretlo, banana le basadi ba betwa, ntho tse mpe kaofela di ne di dula di etsahala. Jwale ke ne ke tiile sebete feela hobane ke ne ke tsamaya e le motsheare. Ka ema ka qamaka hore ke tle ke bone motho enwa ya hoeletsang.
He-e-i! Ngwanana ye! Ema moo, nkemele moo ngwanaka! Qetellong a hlahella motho enwa ya ntseng a nkgoeletsa. Mona teng ke ne ke sa tshoha hore nka kopana le motho ya tsebang malome Theko, ya tswang Lekokoaneng hobane ke ne ke se ke dikelletse le motse wa heso. Ha hlaha setsohatsana tjena seo ke sa tsebeng hore na mosadimoholo o ne a behwa ke eng ka nako eo masimong a bile a tsamaya a le mong. Ha ke mmotsa a re o ne a tlilo tshosa. Teng ke nnete ha lehwetla le sa tswa thwasa ke nako eo batshosi ba tsohellang masimong esale ka meso. Ha dikgomo di tlwaela makgulo ebe e le hona ba kgutlelang mahae. E ne e se e le motsheare wa lengeta. Motshosi o tshwara tswibila kapa moropanyana oo e reng ha a o letsa, o etse lerata ho balehisa dinonyana hore di se je mabele a matjha masimong.
Le ha ho le jwalo, ntho e neng e mmakatsa ke ya hore mosadimoholo yena o ne a sa tshwara letho le supang hore o tswa tshosa.
Hantlentle ntata Diepollo ke mang?
Ha Diepollo a fihla hae Mahlwenyeng, ke ditaba dife tse bosula tseo a ileng a di fumana?
Lebaka le entseng hore Diepollo a se holele habo ke lefe?
Nakong eo Diepollo a neng a ntse a ipatile ha moruti, ke sefe seo a ileng a se tseba ka Mothofeela Fana ka ntlha e le NNGWE?
"Sebonwang se bonwa ke bohle". Mantswe ana a ne a bitsetsa batho hokae mme le hona ho ne ho thwe ba tlo bona eng?
Mohla Diepollo a neng a tloha ha mosadimoholo ke dintho dife tseo mosadimoholo a ileng a mo fa tsona Bolela tse PEDI feela?
Hara dintho tseo nkgono a neng a mo file tsona ke efe eo re ka reng e ne e le ya bohlokwa ho di feta Hobaneng o realo?
Bitsolebe ke seromo. Ka dintlha tse pedi totobatsa sena ka ho hlalosa semelo seo Mmapelepele a neng a le sona.
Nehelana ka ntlha tse pedi tse neng di ka belaetsa Diepollo hore nkgono e ne e hlile e le moloi?
"Ho se tsebe ke lebote" Bontsha kamoo maelana/sekapolelo sena se netefatsang kamoo kamano ya Diepollo le Dikenkeng e neng e le ka teng.
Kgohlano dipakeng tsa Dikeledi le Tsekiso mohlankana wa hae wa pele; -Kgohlano pakeng tsa Mmateboho/Dikeledi le ba bohadi ba hae ba Matatiele ba neng ba tlile phupung ya Mme.
Tsa kgutla difefo tsane tsa mohla monene. Ha qala maru a matsho, a fifetseng, a tla ka matla a hlaha Borwa, a qhojwa ke moya o matla, o hlabang habohloko eka le kgethehile ka Foreisetata le Lesotho. E ne e le moya o mona oo e reng ha Basotho ba o hlalosa ba re Morwa o bohlile ka letheka. Maru a thiba letsatsi, yaka bosiu athe e sa le hoseng. Pitsa tsa tloswa ka ntle, tsa kenngwa ka hara motlotlwana wa masenke o neng o ahilwe ka morao ka jareteng habo. Ya qala ho tsholoha l e pele ba qeta, ya ba kgaoletsa.
Ya tsholoha pula, ena ke ya medupe e sa tlo kgaotsa kajeno lena. Lehadima le lona la laima le sa tswa laima, maru a thwathwaretsa habohloko. Tsena tsohle tsa tetebetsa Dikeledi moyeng le ho feta. A hopola mantswe ohle a mmisi Lekena, ao a neng a sa ka a a utlwa ha a ne a buuwa, athe moya ona o ya a utlwa. A nna a rotha ka bonngwe, polelo ka mora polelo, mme moelelo wa ona o ntse o hlaka, ho fihlela a mo kganyetsa hantle, a ba a bona moo a neng a lebisitse teng. Poropotlwana tsane tsa hae tsa bana a bona e se e le ntho disele.
Mmisi Lekena ke mang?
Maikemisetso a Dikeledi ka mora ho qeta materiki e ne e le ho ya yunivesithing efe O ne a batla ho ya ithutelang?
Hlalosa lebaka le ileng la etsa hore Dikeledi a ngolle mohlankana wa hae molaetsa o reng o kopa hore ba kopane ha sekolo se se se tswile.
Ke pherakano efe e ileng ya ba teng e bakilweng ke batho ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi habo Dikeledi?
Ho latela ditaba tsa pale ee, na dipolelo tse sehetsweng mela qotsong e ka hodimo, di na le hoo di ho nohang kapa di ho dupang Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Qalehong mmisi Lekena o ne a sa kgolwe ditaba tseo a di utlwileng ka ho nyalwa ha Dikeledi. Hlahisa feela dintho tse PEDI tse neng di etsa hore a nahane tjena.
Ketsahalo ya hore Dikeledi a bolelle ntate Mofokeng ka sepatjhe sa hae seo a ileng a se thola e senola eng ka semelo sa hae?
Nakong eo Tsekiso a neng a ngometse letsoho la Dikeledi ha a mo fereha, hobaneng Dikeledi a ile a mo thetsa ka ho re titjhere Masitha o a tla?
Se ileng sa utlwisa Dikeledi bohloko nakong eo Tsekiso a neng a mmolella ka molomo hore ba tla kopanela pela habo Mmankileng ke sefe?
Hlalosa hore ke ka baka la eng ha Dikeledi a ile a dumela ho nyalwa ke monna wa komponeng eo a neng a mmitsa kwata, a bile a sa ratane le yena.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa POTSO E TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa DIPOTSO TSE KGUTSHWANE ho KAROLO ena ya C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa potso e kgutshwane ho Karolo ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Bala qotso ena e latelang ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Sebuweng: O a makatsa ka nnete. Toro! Na ka nnete ke toro e ka etsang hore o hanelle ka dikobong ho fihlela ka nako ee A o ke o mphetele tsa toro eo ya hao ke di utlwe?
Kotopi: Ke lorile ntate le ntatemoholo ba nketetse, mme taba e nthabisang ke ena ya hore ba ne ba bonahala ba thabile.
Sebuweng: Tjhe, bao bona e ne e le batho ka nnete. Mosotho ka bona o ne a nepile ha a ne a re sejana se setle ha se jele. Batho ba neng ba rata borapedi, motho mohla a sa yang kerekeng e le ka mabaka a utlwahalang.
Bolela ntho e le nngwe e neng e thabisitse Kotopi torong eo ya hae.
Toro ena ya Kotopi e ile ya baka ho se utlwane/qabang pakeng tsa hae le Sebuweng. Hantlentle se neng se baka hore ba se ke ba utlwana ke sefe?
Ke sefe se neng se etsa hore maikutlo/ntlhakemo ya Sebuweng e fapane le ya Kotopi tabeng eo e neng e ba qabanya?
Ke ketsahalo efe terameng ee, e bontshang ntle le pelaelo hore Sebuweng o ne a fela a sa batle Makau le moo a hatileng?
Ho latela diketsahalo terameng ee, o ka re Makau ke sebapadi sa mofuta ofe Hobaneng o realo?
Kgohlano e neng e le pakeng tsa Kotopi le Sebuweng ke ya mofuta ofe Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, Kotopi o ile a makatswa ke sefe torong eo ya hae Hobaneng seo se ne se mo makatsa?
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, na o ka re tumelo (bodumedi) e na le seabo diqetong tseo batho ba di etsang bophelong Hobaneng o realo?
Hlalosa hore polelo ena, ' ngwana mahana ho jwetswa o bonwa ka dikgapha', e dumellana jwang le diketsahalo tsa terama ee?
15.2 Selelekela; Kgolo (ya ditaba).
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse pedi ebe o araba dipotso tse e latelang le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Kgolwane: Ebe tshebetso ya hae e jwang ha e le mo ho bonahala hore re tlameha ho ya dihela dikgala Sware, ke botsa tjena hobane Molefi le yena o lokela ho ba le seabo bohading ba hae?
Pitso: Tjhe, tshebetso ya hae e ntle haholo sware. Molefi ke motho ya tsebang ho tshwara tjhelete. Be, ke lebetse le ho o bolella hore ditulo tsena tsa soufa tseo re di dutseng di rekilwe ke yena! Kwana ke dumellana le wena sware hobane hono ho tla mo ruta boikarabelo. Hao! Jwale ke eng ho kang ntho kantle Ere ke thee tsebe ke mamele. Nxa, ke a bona ke ne ke utlwa ditsebe tsa ka?
Kantle ho dibapadi tsee tse pedi, ke sebapadi sefe se sa hlahiswang kgolong ee ya puisano e ka hodimo?
Sebapadi seo o se boletseng ho POTSO 16.3, se amana jwang le Molefi?
Hlalosa hakgutshwanyane sepheo sa kopano ena ya dibapadi tse hlahellang qotsong e ka hodimo.
Kgarebe ya Molefi e amehang ditabeng tsee ke mang?
Molefi ha a se a bitsitswe mme a bolelletswe ka seo ho qetilweng ka sona, o arabela ka ho reng mme o tshehetsa ka lebaka lefe?
A ke o hlalose hakgutshwanyane mabaka a ho menoha hona ha Molefi. Bolela a MANE feela.
Sebapadi se hlahellang moo se neng se nwele mme se robetse ka ntle ke mang?
Sebapadi see se boletsweng ho POTSO 16.9 se bua mantswe ana: "E a bela pitsa ena. Nengneng e tla bela e le ha e lokela ho fahwa". Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, see se dupa kapa ho noha eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsa terama ena, o ka re kgohlano e thehilwe hodima eng?
Ho ya ka moo maloma Molefi a hlalosang Sesotho kateng, ke sefe seo ba habo Molefi ba lokelang ho se etsa ha e le moo Molefi a se a kwenehetse kgarebe ya hae?
<fn>11103VME2007.txt</fn>
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A 50 TSHEBEDISO YA PUO - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka phethahalo. O sebedisa puo ya bonono le bokgabo e phethahetseng ka ho fetisisa. - Kgetho ya mantswe ka tsela e babatsehang, e bontshang boiphihlello. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e babatsehang. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e babatsehang. - Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso. -Bolelele ke bo dumellanang le ditlhokeho tsa sehlooho. - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka nepahalo. O kgona ho sebedisa puo ya bonono le bokgabo e loketseng. - Kgetha mantswe ka tsela e fapafapanang, e bontshang boiqapelo. -Dipolelo le diratswana di na le moelelo, di a fapana. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e loketseng. - Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe boholo ka ho nepahala. - Kgetho ya mantswe ke e loketseng tema. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ntle. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse tsamaelanang le ditaba tsa sehlooho ka tsela e babatsehang. - Ditema boholo di hloka diphoso hoba mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele ke bo nepahetseng. - Puo e sebedisitsweng ke e bonolo, matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e lekaneng. - Kgetho ya mantswe ka tsela e lekaneng. -Dipolelo le diratswana di ka fosahala dibakeng tse itseng, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara di tsitsitse mmoho le ditlhokeho tsa sehlooho. - Ditema di ntse di na le diphoso tse mmalwa leha mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele bo nepahetseng. -Tshebediso ya puo ke e mahareng feela, mme hangata matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e fosahetseng. - Sebedisitse mantswe a bonolo feela. -Dipolelo le diratswana di fosahetse, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara di holoka kgokahano. - Ditema di na le diphoso tse ngata leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo -Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng. - Kgetho ya mantswe e a haella. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e bonolo. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse. -Tema e na le diphoso tse ngata leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng haholo. - Kgetho ya mantswe ke e fosahetseng. -Dipolelo le diratswana di kopakopane mme ha di a tsitsa. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse hohlehohle. -Tema e na le diphoso tse ngata haholo mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Dikahare di a babatseha, di bontsha boiqapelo ka tsela e kgahlisang haholo. - Mehopolo: ke e phepetsang monahano, e tswileng matsoho. - Kgodiso ya sehlooho ka tsela e hokahaneng, dintlha ke tse hlakileng, tse ikgethileng. Kelohloko e hlokolosi ya dintlha. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle o hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Dikahare di ntle haholo, o bontsha boiqapelo - Mehopolo: o bontsha ho nahanisisa taba, e tsosa tjantjello - Kgodiso ya taba ka tsela e nang le moelelo. Ho na le kgokahano ya mehopolo. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o bopehileng ka bokgabane, o kgahlisang.
Mehopolo: ke e kgahlisang, e kgolehang.
Dintlha ke tse mmalwa tse tsamelanang le taba ya sehlooho.
Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle haholo, o kgotsofatsabohehang.
Dikahare tse loketseng, tse hokahaneng ka tsela e lekaneng.
Mehopolo: ke e kgahlisang, e bontshang boiqapelo ka tsela lekaneng.
Hlahisitse dintlha tse itseng.
Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang.
Dikahare ke tse mahareng feela, tse tlwaelehileng. Ho na le dikgeo kgokahanong.
Mehopolo: boholo ke e nepanang le sehlooho, boiqapelo bo haellang.
Dintlha tse hlokehang boholo di teng.
Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang.
Phihlello e karolwana feela -Ha se ka mehla dikahare di hlakileng, ha ho kgokahano.
Nqa tse ding o tswa lekoteng, leha mohopolo wa sehlooho o ntse o latelwa. -O a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng leha ho entswe moralo wa boitokisetso le meralo ya pele. Nehelano e seng ntle ya moqoqo.
Boholo ditaba (dikahare) di tswile lekoteng. Ha ho na kgokahano.
Mehopolo: e a nyahamisa, e a iphetapheta, e tswile lekoteng.
Moralo wa boitokisetso le meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang ya moqoqo.
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE MATSWAO A 30 TSHEBEDISO YA PUO - O hlahisitse sebopeho se phethahetseng - Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang puo e phethahetse - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. - Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ditlhoko tsa mosebetsi. - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. - Diphoso di mmalwa empa ha di senye boleng ba tema. - O kgona ho hlwaya tlotlontswe mme o bontsha kutlwisiso e tebileng ya sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Tema e bopilwe ka hantle mme e bonolo ho baleha. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, empa ha di thabise - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. -O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. - Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe, sebopeho sa puo le tshebediso ke tse lekaneng. -Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, ka tsela e lekaneng. -Ho na le dikgeo kgokahanong. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. -Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. - Ho na le dikgeo setaeleng, sehalong le rejiserateng. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse sa lokelang tema. -Tema e ntse e tletse diphoso leha di lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. -Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema e batsi mme ke e ikgethileng. - Bontsha kelohloko e tebileng ya maemo a batsi a ho ngola. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ka ho phethahala ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle haholo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e batsi ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e akaretsang kelohloko ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela. - Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle haholo, e bohehang.
Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema.
O bontsha kelohloko e itseng ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e kgotsofatsang, e bohehang.
Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang.
O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hokahaneng le ho boheha ka tsela e mahareng feela.
Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang.
O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding.
Ha se ka nako tsohle tema e bontshang kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
E a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng, leha ho entswe moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele. Tema ha e ya botjwa hantle.
Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bontsha ho hloka tsebo ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o tswa lekoteng, moelelo o siretse nqa tse ding.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho.
Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang haholo ya tema.
SESOTHO PUO YA LAPENG RUBURIKI SKN KAROLO YA C DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE/ DITEMA TSEO HO KA TADINGWANG HO ITSENG HO TSONA LE TSE NEHELANANG KA TLHAHISOLESEDING MATSHWAO A 20 TSHEBEDISO YAPUO - Hlahisitse sebopeho se phethahetseng ka tsela e babatsehang. - Puo e sebedisitswe ka ho phethahala mme tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo ka ho phethahala. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Ditema di batla di se na diphoso ho hang kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka bokgabane. - Tema e bopehile hantle haholo mme e nepahetse. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng, tse tsamaelanang le ditlhokeho tsa mosebetsi. - Ditema di batla di se na diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. -O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho -Tema e bopehile hantle haholo mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng. - Ditema boholo di hloka diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso -Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng mabapi le ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopehile hantle ho lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e llekane, ho tadinngwe sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Setaele, sehalo le rejisetara e batla e le tse loketseng. - Tema e ntse e ena le diphoso leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso -Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho. Ho na le dikgeo tse hlokolosi. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo. Diphoso tse mmalwa. - Tlotlontswe e a haella mme ha e tsamaelane le sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Ho na le dikgeo mabapi le setaele, sehalo le rejisetara. - Tema e ntse e ena le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo. -O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e haellang. -Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e utlwisisa. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha se tse tshwanetseng tema. -Tema e ntse e ena le diphoso leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e utlwisisa. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa ka matla mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e tletse diphoso mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: tema e telele/kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema ke ya boemo bo hodimo, e ikgethileng. - Bontsha kelohloko e hodimodimo ya maemo a batsi a ho ngola. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ka ho phethahala ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, e manollotswe ka tsela e tebileng mme dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hlokang diphoso, e bohehang.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle haholo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e batsi ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo, e manollotswe ka tsela e ntle haholo mme dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopehileng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha kelohloko e akaretsang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle haholo, e bohehang.
Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema.
O bontsha kelohloko e itseng ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo).
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsofatsang.
E mahareng - Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha kelohloko e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e lekaneng lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bohehang le ho hokahana ka tsela e kgotsofatsang.
Phihlello e karolwana feela - Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - O bontsha tsebo e haellang ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding. - Ha se ka nako tsohle tema e bontshang kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. - E a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng, leha ho entswe moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele. Nehelano ya tema ke e seng ntle.
Ha ho phihlello - Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa tema. - Bontsha ho hloka tsebo ya maemo a batsi a mesebetsi e ngolwang. (potefoliyo). - Ho ngola - moithuti o tswa lekoteng, moelelo o siretse nqa tse ding. - Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Ho na le dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho. - Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella.
<fn>11103VMP2008.txt</fn>
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o babatsehang Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Ha ho bopaki ba hore moralo (kapa moralo ha o a etswa hohang) o lebisa tlhahisong ya moqoqo o ngotsweng.
DIKAHARE (difuperweng): tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo haellang haholo Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo, Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo, ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, dikapolelo le bopaki bo bonyenyane bo supang kgetho ya mantswe e bontsha ng boiqapelo Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha kgetho ya mantswe e haellang Sebedisa thutapuo ka bokgoni bo haellang, dibopeho tsa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara/ setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho Rejisetara e sebedisitswe ka bokgoni bo botle, setaele se hlakileng sa hae Tshebediso e ikgethi-leng ya sehalo e ntla-fatsa se ngotsweng ka tsela e babatsehang. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala Rejisetara e sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso ya sehalo ka tsela e fapafapa-nang e laolwa ka ho phethahala. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo Rejisetara e sebedisitswe hantle mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso ya sehalo ka tsela e fapafapanang e batlang e laolwa ka ho phethahala. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo Rejisetara e sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae Taolo e lekaneng ya tshebediso ya sehalo ka tsela e bontshang ho fapafapana. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang Rejisetaran le setaele di sebedisitswe ka tsela e lekaneng, feela e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng Tshebediso e seng kae ya sehalo ka ho fapafapana. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo Rejisetara le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo bo haellang ba setaele sa hae Sebedisa sehalo ka ho fapafapana ka sewelo. Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara e loketseng, setaele kapa ho ikutlwahatsa Sebedisa sehalo ka ho fapafapana ka bokgoni bo haellang haholo. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
TEKOLO BOTJHA: ho hlaola diphoso, bala hape, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethahatseng Bopaki bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Nehelano e babatsehang Bopaki bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Bopaki bo hlakileng ba hore mosebetsi o lekotswe botjha, ha lokiswa boholo ba diphoso mme sehlahiswa sa ho qetela se setle haholo Nehelano e ntle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa boholo ba diphoso mme sehlahiswa sa ho qetela ke se phethetsweng hantle Nehelano e ntle haholo Bopaki ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena ka tsela e kgotsofatsang Diphoso tse ngata di lokisitswe ha ho balwa hape le ho lekola botjha, mme ha hlahiswa moqoqo o kgotsofatsang Nehelano e kgotsofatsang Bopaki bo seng bokae ba ho kgwaritsa hape, ho bala hape ho lokisa diphoso Bopaki ba hore mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso mme ha nehelanwa ka sehlahiswa se phe- thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e amohelehileng Kgwaritsa hape empa o hlolwa ke ho lokisa boholo ba diphoso Mosebetsi ha o a lekolwa botjha ka tsela e lekaneng hoo ho leng boima ho bala sehlahiswa se phethetsweng Nehelano e haellang Diphoso tse ngata tse rothofatsang moelelo Mosebetsi ha o a lekolwa botjha ho lokisa diphoso Diphoso di ngatangata hoo le moelelo o batlang o le lerootho.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo ha ho tshwauwa moqoqo, ho boele ho tadingwe dintlha tse ding tse kang mofuta wa moqoqo o lokelang ho hlahiswa ke mohlahlobuwa. Sebopeho sa sa moqoqo se hlahise hantle dintlha tsena: -selelekela -mmele le -qetelo. Pampiring ena ho botsitswe meqoqo ena tjena: 1.1 Moqoqo wa kgang/ngangisano (Argumentative): Tefello ya motlakase Afrika Borwa. Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa lehlakore la hae le ho le ntshetsa pele, a bile a sireletsa ntlhakemo ya hae. 1.2 Moqoqo o pepesang ditaba/dintlha (Expository): Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo sena Moqoqong ona ho hlahiswa/fetiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ke moqoqo wa dintlha oo mohlahlobuwa a hlalosang kapa nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Dintlha tsa mohlahlobuwa di tshehetswe ka bopaki. 1.3 Moqoqo wa phethelo (Narrative): Ka tla ka sulafallwa ke sekolo... Ho ona mofuta mohlahlobuwa o lokela ho pheta pale kapa diketsahalo tse etsahetseng. Moqoqo o ka ngolwa ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe. 1.4 Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore (Discursive): Tshwaro e mpe ya bonkgono le bontatemoholo Ona ke mofuta wa moqoqo ha o nke lehlakore, mme mohlahlobuwa o lokela ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakore a kgang ka bobedi. Mohlahlobuwa o lekola mahlakore a mabedi a sehlooho sena, e be o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapd lefe. Mohlahlobuwa a fihlele qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano. 1.5 Moqoqo o hlalosang (Descriptive): Tharollo ya bothata ba baditjhaba... Moqoqong ona o hlalosang, mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ka ho neha moamohedi wa ditaba sebaka sa ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng jwalo ka yena (mohlahlobuwa). Moqoqong ona ho hlaloswa motho.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
SEBOPEHO: -matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle Selelekela le qetelo ke tse babatsehang O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo di ntle haholo, di O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo di ntle mme di O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano Selelekela se haellang le qetelo Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo Selelekela se haellang haholo le haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse dumellana le mosebetsi Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse Bolelele bo nepahetse dumellana le mosebetsi Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse Bolelele bo nepahetse ho latela mosebetsi Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng Bolelele bo nepahetse latela mosebetsi Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo Bolelele bo nepahetse e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima Tema e batla e le telelele/kgutshwa ne qetelo e fokolang haholo Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatse-hang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodisa-ng haholo, tse tshwa-rellang mme tse bo-pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehe-tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bo-kgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Nehelano e babatsehang Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se setle haholo Nehelano e ntle haholo Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se setle Nehelano e ntle Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e amohelehileng Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e kgotsofatsang Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima Nehelano e haellang Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya Dikarolo tsa B Ditema tsa Kgokahano, tse telele..
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano tse telele) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
diaterese tse pedi ya mongodi hodimo ka letsohong le letona, ho latele letsatsi, kgwedi le selemo ho nto ngolwa ya motho ya ngollwang, e etellwang pele ke maemo a eo ya ngollwang, e leng majoro. Ho latele tumediso monghadi e latelwang ke sehlooho sa ditaba.
ho sebediswe puo e nang le tlhompho, e otlolohileng mohlahlobuwa a tobe ditaba.
Puisano ya ho botsa dipotso inthaviu Sepheo sa mofuta ona wa tema inthaviu0 ke ho nehelana ka tlhahisoleseding e itseng e mabapi le sehlooho se ikgethang, mme e batla e tshwana le puisano.
e be le batho ba babedi ho be le tatellano e itseng ya dipotso tse itshetlehileng sehlooho se itseng sebopeho se itseng se be teng, - se tshwanang le sa puisano hantle feela puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba.
Lengolo (la setswalle)Mofuta ona wa tema (lengolo) o lokela ho ba sebopeho se itseng aterese e le nngwe (ya mongodi hodimo ka letsohong le letona, ho latele letsatsi, kgwedi le selemo).
Ho latele tumediso (Thabo/Dineo).
ho sebediswe puo e nang le tlhompho, e otlolohileng le ha e na le bolokolohi bo itseng.
mohlahlobuwa a ele hloko ditaelo - a ipapise le ditaelo le hoja a na le bolokolohi bona.
Ho be le diratswana tse bopang mmele rejisetara e be e elang hloko baamohedi ba ditaba.
Sehalo: tlhahisoleseding ke e fanang ka dintlha mme sehalo se sebediswang e be se mahareng.
Lengolo la ya koranteng Mofuta ona wa tema o lokela ho ba mokgutshwane empa o phethahale.
mehopolo ya sehlooho e tshehetswe ka mehlala, dintlha kapa mabaka, mme e etellwe pele ka mantswe a kang ntlheng ya pele, ntlheng ya bobedi, jwalojwalo.
puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba rejisetara e be e elang hloko baamohedi ba ditaba.
Sehalo: tlhahisoleseding ke e fanang ka dintlha mme sehalo se sebediswang e be se mahareng.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle Selelekela le qetelo O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo di O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang Selelekela le qetelo di O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng Selelekela le qetelo Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano Selelekela se Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo Selelekela se ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse Bolelele bo nepahetse ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse Bolelele bo nepahetse ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng Bolelele bo nepahetse tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo Bolelele bo nepahetse haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima Tema e batla e le telelele/kgutshwa ne haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatse-hang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodisa-ng haholo, tse tshwa-rellang mme tse bo-pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehe-tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bo-kgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se setle haholo Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se setle Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se kgotsofatsang Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe- thetsweng se kgotsofatsang Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya Karolo ya C (Ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane).
ELA HLOKO: Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Potso ya 3 (Karolo ya C): ditema tsa kgokahano tse kgutshwane di botsitswe tjena: 3.1 Ditaelo Mofuta ona wa tema (dayari) o lokelana le sebopeho se itseng sebopeho se hlahiswa ka seratswana (paragraphs) se le seng taelo (tlhokomediso) e utlwahale hantle mme e tobe taba.
puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba sehalo e ka ba se mahareng. 3.2 Dayari/bukatsatsi Mofuta ona wa tema (dayari) o lokelana le sebopeho se itseng diketsahalo di arolwe ka matsatsi puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba matsatsi ao ditaba di ngotsweng ka ona a nepahale sehalo e ka ba se mahareng 3.
<fn>11103VMS2009.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 16.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng y a ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo hla kileng ba hore moralo o lebisa t lhahisong ya moqoqo o babatsehang Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mose betsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgots ofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho ut lwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo b otle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqo qo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotso pfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe mora lo Phethahatsa dit lhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta w a tema ka tse la e lekaneng Bopaki bo mahare ng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqo qo o bopilweng ka tsela e amohelehileng Bopaki bo seng b okae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa dit lhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta w a tema ka tse la e lekaneng Bopaki bo hae llang ba hore mora lo o lebisa tlhahisong ya moqo qo o lebelletsweng Bopaki bo hae llang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola ha holo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Kwala buka o ithute motho Moqoqo wa boimamelo/tebisa maikutlo (Reflective) Moqoqong wa boimamelo mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae. Moqoqo ona o tla nka lehlakore. Mehopolo/menahano/maikutlo a hlahiswang a lokela ho pepesa nnete mme a bontshe ho ba le seabo ha mongodi.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa wona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha mohlahlobuwa a ntse a ngola moqoqo.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse me lao yohle e hlokehang ya sebopeho ka t sela e phethahetseng Diratswana d i phethahetse, di hokahane ka ho h laka ka dinako tsohle Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dume llana le mosebetsi Tema e bopilw e ka tsela e babatsehan g.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le di ntlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng y a dikahare le mehopolo, dint lha tsohle di tsheh etsa sehlooho Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, ma i-kemisetso le maemo ka tsela e babatse -hang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang ha -ngata ke tse kgodisa -ng haholo, tse tshwa -rellang mme tse bo -pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya di kahare le mehopolo, sehlooho se manol lwa ka bo -tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haho lo Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dik ahare le mehopolo, sehlooho se sekaseki lwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa seh looho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, ma emo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batla ng di tshwarella mme d i bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na l e dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka t sela e kgotsofatsang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopil we ka tsela e kgodisan g ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokg aoha Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ela hloko ba reretswen g ditaba, ma ikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekan eng Dintlha tse tshehe -tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse sen g kae tse tshehetsang sehlooho Ela hloko ba rere -tsweng di taba, ma i-kemisetso, maemo le sebo peho ka b o-kgoni bo haellang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopilwe ka tse la e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Tema e bat la e se na Tema boholo e hloka Tema boholo e hloka Tema e ntse e na le Tema e ntse e na le Tema e ntse e t letse Tema e ntse e t letse diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho diphoso hoba e lekotswe botjha ho diphoso hoba e lekotswe botjha ho h laola diphoso diphoso tse mmal wa leha e lekotswe botjha diphoso tse mmal wa leha e lekotswe botjha diphoso leha e lekotswe botjha ka diphoso tse ngatanga ta leha e lekotswe botjha lokisa diphoso.
Diaterese tse pedi - ya mongodi le ya khampani.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Sehlooho sa ditaba se lokela ho hohela babadi.
Selelekela sa mongodi se hlahise ntlhakemo ya hae.
Puo e be e hlakileng.
Ditaba di lokela ho tsamaellana le sehlooho.
Puisano e lokela ho ikgetha ka matshwao a yona.
Puisano e lokela ho toba taba.
Ditaba e be tse amanang le sehlooho.
Polelo ka nngwe e lokela ho arabela seo ho buisanwang ka sona.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le di ntlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng y a dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tsheh etsa sehlooho Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, ma i-kemisetso le maemo ka tsela e babatse -hang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang ha -ngata ke tse kgodisa -ng haholo, tse tshwa -rellang mme tse bo -pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya di kahare le mehopolo, sehlooho se manol lwa ka bo -tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa. Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haho lo Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dik ahare le mehopolo, sehlooho se sekaseki lwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa seh looho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, ma emo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g ke tse kgodisang, tse batla ng di tshwarella mme d i bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na l e dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka t sela e kgotsofatsang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopil we ka tsela e kgodisan g ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokg aoha Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ela hloko ba reretswen g ditaba, ma ikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekan eng Dintlha tse tshehe -tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse sen g kae tse tshehetsang sehlooho Ela hloko ba rere -tsweng di taba, ma i-kemisetso, maemo le sebopeho ka b o-kgoni bo haellang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopilwe ka tse la e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Sehlooho e be se hohelang.
Papatso e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Puo e be e hohelang, e susumeletsang mmadi ho reka se bapatswang.
Mohlahlobuwa a sebedise kapa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Papatso e tobane le batho bao e lebisitsweng ho bona.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola pampitshana e nang le tlhahisoleseding e tla hohela mmadi.
Sepheo sa pampitshana eo e be se hlakileng.
Se bontshe ditshebeletso, sebaka moo ditshebeletso di fumanehang teng.
Ke tema e hlahisang dintlha tse hlakileng tseo mongodi hlahisang ditaelo, mme.
Ditaelo di lokela ho hlaka mme di ngolwe ka tatellano.
Ditaelo di lokela ho tloha boemelong ba makoloi a setjhaba ho kena motseng o motjha.
Di tototbatse matshwao a tsela, mabitso a diterata, le mabitso a meaho.
<fn>11111VMF2005.txt</fn>
Phamokate/ Sehloho saho se mamele.
O ne a makatswa ke ho bona ka Moo Diphapang a fetohileng tshobotsi kateng, a se a babaila, mahlo a kgohletse, a le dibebe molomong.
O mo qetetse e le seqhenqha se sekotlohadi/ a nonne.
Ke hobane le qeta batho.
Tjhe, ha ho pheko e seng e le teng ya lefu lena.
thobalano/tsela ya motabo ka ho fuwa madi a motho yanangle tshwaetso ya HIV.
ka tshebediso ya dinalete tse sebedisitsweng ke motho ya nang le kokwanahloko ya HIV.
ka ho tshwara madi a mothoya nang le tshwaetso ya HIV/AIDS o na le leqeba le bulehileng matsohong.
Ke ka baka la tshenyo eo lefu lena le e entseng setjhabeng.
Le qeta batjha.
Ka ho se sebedise nalete kapa lehare le sebedisitsweng.
Ngwana/motho ya sa mameleng hangata o hlahelwa ke mathata kapa kotsi.
Maikutlo a mohlahlobuwa a amohelwe ha feela a ikamahantse le seratswana.
Ronewa o ne a dula Makondo ho la Thohoyandou. Lelapa la habo le ne le futsanehile haholo. O ile a fetoha ntate wa lelapa a sa lemonyenyane ka mora lefu la ntatae. Hore ho jewe nama o ne a tsoma mebutlanyana ka dintja. Ronewa o ne a sa rate diphoofolo tse kang dintja le dikatse empa a ithatela dinoha. O ne a tshwara ditlhware mme a di rekisa diranta tse mashome a mabedi hoya ho tse lekgolo. Batho le dithaka tsa hae tseo a hotseng le tsona ba ne bamo tshaba ba re ke moloi.
b Mme o phehela lelapa la hae dijo.
Bana ba ya sekolong se phahameng.
b Batho ba ile dikgethong kaofela.
Ntho e ntle ke hore nnete e tsejwa ke setjhaba sohle.
Ntho e ntle ke hore setjhaba sohle se ye se tsebe nnete.
Karabo ke kgeleke ya ngwanana.
b Ntate ke motho ya bonolo.
Ho se tsebe ke lebote/ namane e ka mpeng.
O thotseka boomo. Ke jala thotse ya mokopu.
Bana ba hlotse ba kula. Re hlotse dikgetho lemong sena.
Mekgatlo yohle ya dipolotiki e kopane. Dikgetho tsohle di tsamaile hantle.
Oho! O mpe o thole wena. Ho thotse tu! ka tlung. Kgele! O ntshetse morao, o mpatlang?
Ke tla tsebisa batswadi ba hao. Thabo le Thabiso ba tsebana haholo. Taba eo ea tsebeha./ Mme o a tsebahala.
Sefate se setle se metse pela ntlo ya heso.
atlama ho tla ba le kopano ya ditho kaofela tsa komiti ya bolo.
26 Tlhakubele ka hora ya bosupa.
Tlhophiso ya tsamaiso dikgweding tse pedi tse tlang.
Tefo ya ditjhelete ho ba setho.
Ho ngola aterese moo e lokelanghoba teng ke letshwaole le leng.
<fn>11111VMF2006.txt</fn>
Tjhe, hoba eitse moo Mmatshokolo a reng o tla botsa hore molato keng, a be a se a betsehile jwalo ka kulo..
Ba iphapanyajwale ka beng ba difariki. Mthethwa yena o ne a ipatile hara masimo a poone..
Ba re Mmatshokolo ke moikgantshi ya sa tsotelleng batho ba bang Moikgohomosi.
Dibanka, mabenkele a mabenyane, dikgwebo tsa taemane le dikgwebo tse kgolo. (Mohlahlobuwa o tla ngola tse pedi feela).
Letjhoba le tla lala phoka..
Ka nako e nngwe ke tlhokeho ya mesebetsi, botlokotsebe, bofutsana meharo ya tjhelete. (E nngwe le e nngwe ya dikarabo tsena e lokile).
Metswalle e meholo/ batho ba utlwanang haholo / Ba ntshana se inong / Metswalle ya hlooho ya kgomo.
Tjhe, hoja Samadula a ne a tseba seo enwa motswalle wa hae a se rerileng a ka be a mo lohetse mano.
Hoba ba fihle bodibeng, ngaka Mabophe o ile a tjhesa ditlhare tsa hae a nto laela Mohale ho kena bodibeng. Ho ile ha biloha mohodi o ikentseng leru le lesweu o feleheditswe ke moya obatang. Mohale o ne a tshohilehaholo. A sa tshohile jwalo hahlaha sebatahadi se hlooho dipedi ka maleme a tswang malakabe se ileng sa ikgarela ka yena leho mo nyeka ho tloha hloohongho ya tswa maotong. Ntatae le ngaka Mabophe ba ne ba emeletse thokwana ba tadimile hore a se fose ditaelo. Ka mora moo ngaka eile ya phatsa Mohale mme ho tloha mohlang oo dithaka tsa hae tsa mo tshaba. E ne e le motho wa kgotso.
Mekgwa le meetlo ya rona e mentswe ke tswelopele..
Tswelopele e menya mekgwa le meetlo ya rona..
Rangwane o eme lepalapaleng..
metsanaRe tsamaile metse le re batlana le pheko.
Motho ya buetseng ruri o a tena.
Banana ba tena mese ya sejwalejwale.
Ke tena ke lemala ka baka la hao.
Banana ba mehleng ena ba pheha jwale ka bomma bona.
Banana ba mehleng ena ba sa pheha jwale ka bomma bona.
Banana ba mehleng ba ka se phehe jwale ka bomma bona.
Thabiso o a kula empa o ntse a ya sekolong.
Eitse hang ha Sebolelo a fihla ra utlwa ka ditsebeng hore ngwana rangwane Tefo o fihlile. Re tsebile ka pele hore Disebo o ipolaile a ba a bolaya le motswalle wa hae. Kgale ke mmona hore ha a di hadikela ho di ja empa tseo kaofela ke diya banneng, dikgolo tsona di sa tla. Mmae o ile a itlhohlora ho sa kganya. Le pele di na le baji rona re tla shebella ha ngwale e kgiba. Kgele!
<fn>11111VMS2006.txt</fn>
Lefapha la ditjhelete.
Ditekanyo tsa hae di lebisitswe ho ntlafatseng maphelo a mafutsana.
Ntshetsopele ya Setjhaba - ntlafatso bophelo ka kakaretso.
Bongata ba Maafrika Borwa ba tshwaeditswe.
Ee, persente tse 20 di lekane hobane, di tla emela ho phetha kapa tlisa diphetoho.
Maqheku le ba sa itekanelang ba ekeleditswe tjhelete eo ba neng ba e fumana.
Le sehetswe haholwanyane ho re le kgone ho phethisa ditabatabelo tsa baahi mabapi le thuto.
TV e ratwa hobanee ntlafatsa tlotlontswe, le thuto baneng. E hokahanyamatjhaba a lefatshe ka ho re bontsha ba tswetseng pele.
Leha e lemolemo, ena ledipha. Bana habakgone ho tsepamisa maikutlo mesebetsing wa sekolo, hobane ba dula ba e bohile ka nako tsohle. E boetse e nkile nako ya malapa, mme sena se tshwaeditse bophelo ba malapa ka hohle.
Nkgono o noka dijo ka letswai b Noka e tletse ka baka la pula e neleng.
Dibata tse ngata di ile tsa tsoswa letsholong.
Moetapele wa bona e ne e le lekwala / ke lekwala.
lohleBanna ba morena ba ne ba tswile letsholo.
Maobane: Ba ne ba bohile bolo maobane.
Letsholong: Le banana, ba ile letsholong.
1 Banna ba morena ba ne ba tla tswa letsholo / ba tla tswa.
Banna ba morena etswang letsholo!
b Banna ba morena ba ka tswa letsholo.
moketehadi : tlisa moelelo wa boholo.
Na: Banna ba morena ba tla fihla hoseng na?
Lebitso la Mofu.
Matswathaka / kgorula - Lokisa e le nngwe ho tsona..
<fn>11111VMS2007.txt</fn>
Ba batla ba ntja tala.
Ke ho hlabela badimo.
Tumelo ke kgolo, ke maikutlo a tebileng hodima seo mothoa dumelang hore se jwalo mme se a mo sebeletsa.
Basotho bane ba boloka bafu ba bona ba dutse, ba ba fuparisitse peo. Ba ne ba dumela hore mohla tsohoyabafu, bafu ba bona ba tla tsohaba lebe Ntswanatsatsi le hore ka peo eo ba e fuparisitsweng ba tla kopa tjhai ho bontatemoholo.
se nyatse motho empa o nyatse diketso tsa hae.
Sefabatho ke sehwai se tsohella masimong ka meso. O sebetsa jwalo ka thata ho fihlela motsheare o moholo a nto phomola hanyenyane feela. Mosadi wa hae Mmadipolelo le yena o kgothetse. Bana ba bona ba otlehile, ba none hobane batswadi ba bona ba kgothetse. Setumo sa Sefabatho se tsejwa lehole. Dipapatlele yena ke sekgoba hara dikgoba, o botswa. Bana ba hae ba sohlekehile, ba otile hampe. Maoto a bona a ditlhabela, ba maminanyana athe dikojwana tsa bona tsona ke matairi. Sehwai haserobale hobanesedula se batla dikeletso dihwaing tse ding. Se'dumela hore motho o lokela ho ja ka mofufutso wa phatla ya hae.
Lehlalosi la sebaka: Mokete o tshwaretswe.
difeKe dikgoho tse behetseng mahe?
bafeKe baradi ba hae ba nyetsweng?
eo ke bua ka ngwana eo.
sena sena ke sekolo sa heso.
seletswana: o mo rathile hlohong ka seletswana.
molangwana: molangwana oo ke wa ntate.
Thapo e ntsho e tla aparwa ke mmae.
Mmae o apara thapo e ntsho.
Mmae o ye a apare thapo e ntsho.
Di jana maro ntja tsa setsomi.
Ngwana lekgala o tsamaya ka lekeke jwale ka mmae.
Ngwana mahana a jwetswa o tshohela leomeng.
Thabiso o a ipona.
Ke ile ka itoma ha bohloko.
sona se rema hantle.
yena o fihlile hoseng.
ha ke motseng wa a mpohola hula phafa(sephadi setulo itokisetsa nkatamela Mohlwa (jwang) motala kutilwe hlwella phatsimisitsweng morao mosadimoholo mmolella hore ronngwe iphapanya. Hang atamela bona ke ha marakana a se ntse a empa ka) sa ka ka tlasa sa koloi ka ho a kgalemela ha a ka pele ke fihla. wa teng o ne o le o hantle ka sekere eseng ka motjhini. Ka setupung se ka makgethe. Ha ke kokota monyako wa ka ka bona a hlwedisitse ka fesetere.
<fn>11111VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, e leng A, B le C.
Araba dipotso ka moo o laetsweng ka teng.
Bahlahlobuwa ba kgothaletswa ho ba makgethe.
Thabiso : Diphapang motswalle, wa sohlokeha tjee molato keng Hona ha o se o lemasapo jwalo ka kgomo ya moketa, o qetwa keng Monneso ha ke o tsebe o le tjena. O ne o le seqhenqha se sekotlohadi?
Diphapang : Le jwale Basotho ba nepile ha ba re ho se tsebe ke namane e ka mpeng. Ha o ne o tseba o ka be o sa bue ka mokgwaona le hona ho ntlhaba pelo ka dipotso tse kang tsena.
Thabiso : Ntshwarele ntjeso ke mpa ke botsiswake ho makala ha ke o bona o fetohile tshobotsi, o babaila, mahlo a kgohletse o bile o le dibebe molomong.
Diphapang : Phamokate ntja mme. Ke nnete ha ba re ngwana mahana a jwetswa o bonwaka dikgapha. Ho jwalo le ho nna kajeno. Hoja ke ile ka mamela dikgalemo le tsona dikeletso nka be kese sethotsela sena seo o se bonang, empa jwale ke llela metsotso. Ke ne ke ipona ke hlalefile ke sa hloke keletso ya mang kapa mang, athe ke ntse ke itjhekela lebitla ke phela. Lefu lena ha le kgethe morui ho mofutsana, leqheku ho motjha, ya bohlale ho lewatla empa le sheshena bohle ka ho tshwana ha feela ba sa ipaballe. Le jwale nna ke se ke lebeletse lefu hobane ke lona feela le tlang ho ntsha mahlomoleng ana. Ke lona feela le tlang ho nteanya le baholo ba ka ba seng ba iketse badimong.
Thabiso : O fela o nepile ngwaneso. Ena kwatsiya bosollahlapi e iphetotse leruarua, kgodumodumo e hlokang mohau empa e metsa mang kapa mang. Ke ne ke hlola ke utlwela ka moo e sotlang batho ka teng empa kajeno ke iponetse ka ana a ka a mabedi. Jwale weso na o se o kile wa bona bonkgekge bana ba rona ba Sesotho?
Batho bano ba tseba ditlamatlama, ba ka o phekola monna.
Diphapang : O se ke wa thetswa ke motho ntja mme. Dingakanyana tseo tsa hao di ntse di nyantsha batho phooko di ba jella ditjhelete ho se letho leo di le etsang. Ke re le tsona tsena tsa Makgowa di hlolehile.
Ha ho pheko e seng e le teng ya lefu lena. Hona keng ha dingakanyana tseo tsa hao tse ntseng di thetsa batho ka hore di ka ba phekola di sa phekole bana ba tsona, hobane eka ke bona ba shwang le ho feta ba batho ba bang?
Lefu lena le mabitso-bitso. Ba bang ba re ke mokakallane wa setlabotjha, kwatsi ya bosollahlapi, kgodumodumo, mofetshe, jwalo jwalo. Ba le bitsa jwalo ka baka la tshenyo eo leseng le e entse setjhabeng. Ke hakae re balang dikoranteng, re utlwang diradiong kapare bonang dithelevisheneng masisapelo a bakwang ke lefu lee Ke bana ba bakae baokajeno e sengele dikgutsanakgudu Ke basadi ba bakae bao e seng e le bahlolohadi hobane lehodiotswana lena le phamokate le nkile banna ba bona Ke dinaheng tse kae tsa lefatshe moo lefu lena le seng le batla le rintse setjhaba sohle Kontinente ya rona ya Afrika e ne e ka phonyoha jwang lehanong la kgodumodumo ena, hobane ke moo ho thwenge atile le ho feta Ho thwe dibakeng tse ding ha ho sa na le sebaka sa ho pata bafu ka tsela ya seholoholo empa ba se ba patwa ba eme?
Ho tse ding teng lebitla le le leng le kenya ditopo tse ka bang tharo ho boloka sebaka. Ha o tadima metseng ya rona, haholoholomafelongabeke, otla fumana mekoloko e thibang letsatsi e lebang mabitleng moo ho ileng ho bolokwa batho ba bolailweng ke lefu lena. Taba e sehloho e bileng e tshosang le ho feta ke hore boholoba batho banabaileng ho bolokwa ke batjha. Phamokate e ba ja lekemekeme hoo motho a qetellang a ipotsitse hore ebe re sa tla ba le ditloholo kapa tsona ditloholwana. Na ebelefatshe le ya pheletsong ha e le moo tjhatjhaena e ntjha e bolokwa letsatsi le tjhabang le le dikelang Potso ke hore lefu lena le bakwa keng?
Ditsebi tsa mahlale a saense di bolela ha lefu lena le bakwa ke kokwanahloko ya HIV. Kokwanahloko ena e kena mothong ka tshwaetso ka mekgwa e fapaneng. E ka kena mothong ka phano ya madi a nang le kokwanahloko ena ya HIV nakong ya oporeishene, ka tshebediso ya dinale tse ileng tsa sebediswa ke motho ya nang le tshwaetso ya kokwanahloko ena kapa ka tsela ya motabo o sa itshireletsa ka kgohlopo le motho ya nang le tshwaetso ya kokwanahloko ena.
Nehelana ka sehlooho sa ditaba tsena tse ka hodimo.
Thabiso o ne a makatswa ke eng?
Diphapang o re lebaka le entseng hore a be ka sebopeho seo ke lefe?
Ho ya ka Diphapang na lefu lee le a phekoleha. Qotsa mantswe ho tswa seratswaneng a hlalosang karabo ya hao.
Ho ya ka tsebo ya hao phamokate e tla ka tsela tse jwang Fana ka dintlha tse THARO?
Fana ka mabitso a mang a MARARO ao phamokate e tsejwang ka ona.
Ke hobaneng ha batho ba le file mabitso a mangata hakana?
Ho ya ka ditsebi tsa mahlale a saense lefu lee le bakwa ke eng?
Re ka itshireletsa ka ditsela dife lefung lee Fana ka dintlha tse PEDI?
ho se tsebe ke namane e ka mpeng.
ngwana mahana-a-jwetswa obonwa ka dikgapha.
Ha o ne o le letona la tsa bophelo bo botle, o ne o tla fa setjhaba keletso efe ho leka ho thibela tshwaetso ya HIV?
Bala seratswana se ka tlase o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tse SUPILENG tsa bohlokwa.
Ngola ka mokgwa wa moqoqo, ka mantswe a sa feteng lekgolo.
Qetellong ya kakaretso ya hao bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Sebedisa mantswe a hao ho akaretsa qotso ena, o se ke wa e qotsa e le jwalo.
Ronewa Machilika ke mohlankana ya dilemo di 22. O dula motsaneng wa Makonde haufi le noka ya Mutale ho la Thohoyandou. Lelapa la habo le ne le futsanehile haholo mme ba phela ka ho kolla ntsi hanong. Mathata abona a qadile ka mora lefu la ntata bona ya ba siileng ba sa le banyenyane haholo. Ka matsatsi a mangba lala ka tlala, marihabatsamaya ka maoto ho se seeta. Ronewa o ile a fetoha ntatewa lelapa a sa le monyenyanedilemong. Mafelong a bekeo nea tsoma mebutlanyana ka dintja tsa hae hore ba tle ba je nama. Mmae leyena o ne a loha mano a sesadi hore bana ba hae baje, ba apare. Ronewa o ile a lemoha le ho utlwisisa maele a Sesotho a reng hlapi folofela leraha metsi a ptjhele o a bona. A ipolella hore kgutsana ho phela e marapo a thata mme o tla tela menate a e tella lelapa la habo.
Mohlankana enwa o fapane le thaka tsa hae ka tsela e makatsang. Ronewa ha a na lerato la diphoofolo tse kang dikatse le dintja, empa o rata dinoha ka pelo ya hae yohle. Ho batho ba bang ba di ila sekgethe, ba di kgoba hlooho kamajwe, yenao di nka e lemetswalle ya hlooho ya kgomo. O re le ha batho ba re dinoha ke diphoofolo tse madi a batang, tse kgopo, bonneteng ke diphoofolo tse lerato tse mofuthu.
Lerato la hae la dinoha le qadile selemong sa 1995 ha a ne a qala ho tshwara tlhware haufi le noka ya Mutale. O rele ha a ne a tshohile a tlakasela mohlangoo, o ile a iteta sebetehorehoe tshwara o tla e tshwara. Ho tloha mohlangoolerato la hae la dinohala tota. Hofihlela jwale o se a tshwere ditlhware tse leshome tseo a di rekisetsang dingaka tsa setso bakeng sa ho etsa methokgo.
Ronewa o re ditlhware di tshwareha ha bonolo ho feta ho kola tsie. Ha a ilo di tsoma, o tsamaya le sehlopha sa dintja. Hang ha tlhware e bona ntja, e a tsitsipana e honyele mme e hlolehe ho baleha. Jwale dintja di tla e hlwa setha di e bohole di elome mohatla hore e fellwe ke matla. Kemoo jwale Ronewa a tlang ho e rabella ka sabole ho fihlela e shwa. Ho na le tumelo kapa kgolo ya hore mafura a tlhware ke tlhare se matla samaqeba a ho tjha, mme letlalo la yona le sebediswa ho etsa ditoromo e leng setlhare se matla sa Venda bakeng sa boraditebele.
Ntho e mo utlwisang bohloko le ho feta ke hore batho ha ba utlwisise setswalle sa hae le dinoha. Ba nahana hore ke moloi hobane ha a tshwane le batho ba bangbasa di rateng le ho di tshaba. Ba bangbona ba tshaba le ho mo dumedisa athe tse ding tsa dithaka tsa hae tseo a hotseng le tsona di mo tshaba lebekebeke di re ke moloi ya sa tanakellweng.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso ka sona.
Ke motsheare wa mantsiboya banna ba kgefuditse hanyenyane mosebetsing. Thabo le Piet ba ngangisana ka diphetho tsa dikgetho ha monga bona yena a thotse tu!
Kgele! Piet o letlaila ha o Oho! Rona re hlotse tsebedipolotiki ebile dikgethontle le pelaelo. bohale ba hao boke ke ba Ha e le mona lona le o thusa letho. O a tseba dipolotiki le hlotswe ntshwabisa ebile ha o jwang Dipolotiki hadi na kene le kereke. sekolo weso?
Naha ya rona e ke ke ya buswa ke mamenemene. Ntho e ntle ke hore setjhaba sohle se tseba nnete. Mekgatlo e meholo e mmedi feela.
Sebedisa maetsi a ka masakaneng ka nepo.
Letlaila le (ho tlaila) moreneng.
Sebedisa mabitso ana a latelang dipolelong e le mahlalosi a tulo/sebaka.
Bala polelo ena: Ntho e ntle ke hore setjhaba sohle se tseba nnete.
Ngololla polelo ena mme o e fetolele ho boetsuwa.
Boela o e ngololle mme o e ise ho lekgathe lefetile.
Isa polelo eo ho temekiso ya tatolo.
E fetolele ho sekaotlwaelo.
Fana ka mahlalosonngwe a mabitso ana.
Bopa maelana ka mantswe a latelang.
Sebedisa mantswe a latelang dipolelong tse pedi ho bontsha meelelo e fapaneng.
Bala polelo e latelang: Setjhaba sohle se tseba nnete. Sohle ke leakaretsi. Sebedisa mabitso ana a latelang mmoho le maakaretsi a ona dipolelong tsa hao.
Sebedisa maetsisamodumo a nepahetseng dipolelong tsena.
o mpe o thole wena!
Ho thotse ka tlung.
O ntshetse morao o mpatlang?
Sebedisa leetsi lena tseba dipolelong ka maetsi a matso a latelang.
Ngola sebopeho se nepahetseng sa lekgethi le ka masakaneng. Sefate (ntle) se metse pela ntlo ya heso.
Tokiso ya diphoso.
Bala memo le lenanetaba le ka tlase o ntano lokisa diphoso tse fumanwang ho lona, ho akareditse sebopeho sa lona, mopeleto o fosahetseng, matshwao a fosahetseng a puo le puo e fosahetseng. Ngololla lenane tsamaiso lena.
Mona ho tsebiswa ho rehotla ba lekopano ya ditho ka o fela tsa komiti ya bolo.
Kopano e tla tswarelwa holong ya motse ka labone kala 26 Tlhakubele ka hora ya bo supa.
Hlophiso ya tsamaeso dikgweding tse pedi tse tlang.
<fn>11111VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo A, B le C.
Ha o araba dipotso hlokomela matshwao ao ho fanweng ka ona.
Fana ka mosebetsi o makgethe le mongolo o bonahalang.
Bala seratswana se latelang o tlo tsebe ho araba dipotso tse tla latela.
Kgele! Ba tlosanalekwatakwata, ha kubella lerole monnaaqela holeoto. A hla a matha sa mmutla wa dithota. Lerata, molodi wa lethala la dikulo ha di ntse di mo feta le medidietsane ya basadi ba neng ba eme matlotlosiya ba shebeletse ha banna ba nkgisetsana mahafi tsa mo kopanya hlooho, tsa mmaka materebe. A matha la Ntshwekge. Samadula o itse ka re o a tiisa empa Mthethwa a mo fahla ka lerole a mo siya le letsohwana la hempe le ileng la salla ha ba ntse ba hulana ba isana hodimo le tlase. Mthethwa o ne a sa mathe o ne a papaela, potlolomente yona a e kgwaetse ka lehafing a re ke moshwa bo tshwerwe. Le tsona dinyalasi tsa motse di itse di leka ho mo tshwaraempa tsapolelaka thoko ho seotlo. Eitse ha a fihla lapeng a bula lehlafi ka sefuba a tjekeletsa potlolomente hodima moalo. Ya re moo Mmatshokolo a reng o tla botsa hore molato keng, a be a se a betsehile jwalo ka kulo. Mosadi a tseba hore ditaba di mosenekeng, jwale di jana maro ntja tsa setsomi. A tlola matjato a pata potlolomente eo kgotjheletsaneng e lefifi.
Eitse ha a reteleha, a re ptjangptjang le poho ya kgothu, seqhenqha sa monnase botsho ba dipitsa, meno e le mekwetsepe athe dinko tsona e le mahaha. Le lebe letsopa ruri, lona letsukunyepe sebele. "Mosadi potlolomente e sootho e mabanta a mabedi e kae" O botsa jwalo a kgaruma, a swentse ka mahlong makopo ana a hae e ka letlwepe la masumuathebotsho bona bobenya kekgalefo. Ya re ha Mmatshokolo a re o tla arabaa mo kwala molomo ka setebele a mo kgenola meno a mabedi a kapele. Ha Mmatshokolo a ntse a tshwela bobete ya boela ya puruma tau ya dikgwa:" Mosadi ke re potlolomente e sootho e mabanta a mabedi e kae" Mmatshokolo a qetela ka pelong hore ha e le ho mmolella teng setsweng ke hole hobane ha a ne a ka etsa jwalo Mthethwa o ne a tla mo fapanya le pula, o ne a tla aparelwa ke bolele?
Ke ho teneha, Samadula a mmona ka tshepe hloohongabaa re sihla! A mo felehetsa ka dieta dikgopong a mo siya a tjapaletse. A hlapanya hore ha a ka mmona letjhobale tla lala phoka. Ho ena le hore batho ba thibe, banna bamotse ba iphapanya jwale ka beng ba difariki ya ka ha ho letho le etsahalang athe bophepheletsane, bomarata e lwele bona ba hla ba besetsa hlaha ba re Samadula a tiise letsoho ho feta etswe Mmatshokolo ke moikgohomosi ya sa tsotelleng batho ba bang.
Ha tsena di etsahala Mthethwa o ne a ipatile hara masimo a poone a lekgaba le letalana, mofufutso e le diphororo pelo yona eka e tla phunya sefuba. O ne a tseba hantle hore ha Samadula a ka mmona o tla mo thunya ka ho panya ha leihlo. Ebe bonkeka ba tseka eng hona potlolomente ena e batlwang hakana e tshetse eng Meharo ya tjhelete ke sona sesosa. Banna bana ba babedi e ne e le diya thoteng di bapile, ba ntshana se inong le ho tshepana. E ne e le dilalome, dira tsa mapolesa tse tlatlapang dibanka, mabenkele a mabenyane, dikgwebo tsa taemane le tsona dikgwebo tse kgolo. Ho bona tjhankane e ne e le lehae la bobedi hobane ba ne batswa ba kena ka baka la diketso tsena tsa bona. Boshodu bo ne bo le mading a bona. Mekolae neeile ya tlatlapa banka bokgothokgotho ba tjhelete mme ba ipha dimenyane. Mthethwa a kenwa ke moya o mobe wa ho qhekanyetsa enwa motswalle wa hae. A ipolella hore ho e na le ho arolelana tjhelete eo, setswalle se ka mpa sa fela. O ile a hlotha potlolomente matsohonga Samadula anto epelamoomofatshe. Ruri Basotho bafela ba nepile ha ba re moloi ha a mele ditshiba hoba hoja Samadula a ne a tseba seo enwa motswalle wa hae a se rerileng a ka be a mo lohetse mano?
Mashoduke batho ba makatsang hobane le ha ba etsa mosebetsi ona wa bona o mobe, haba tshepane, ba rerelana bobe le ho tswana ka tlase. Ha ba sa bolayane ba a tshwarisana moo feela motho wa teng a habileng ho ja a le mong. Ha e le moo Samadula le Mthethwabase ba lwantshana hase hona ho hloka botshepehi mothong?
Ke mantswe afe serapeng sa pele a hlalosang hore banna bana ba babedi ba ne ba lelekisana?
Na Mmatshokolo o ile a fumana sebaka sa ho botsa monnae se etsahalang Tiisa karabo ya hao ka ho qotsa mantswe a tswang serapeng?
Mmatshokolo o ile a pata potlolomente kae?
Monna wa Mmatshokolo e ne e le mang?
Sesosa sa ntwa ke sefe?
Fana ka dibaka tse PEDI tseo Samadula le Mthethwa ba neng ba di tlatlapa.
Ke lentswe lefe serapeng sa bobedi le hlalosang hore Samadula e ne e le motho e mobe haholo?
Ho ya ka wena sesosa sa ho tlatlapa dibanka ke sefe?
Fana ka mahlalosonngwe a mabitso ana a tswang serapeng.
ho polela ka thoko ho seotlo.
a matha sa mmutla wa dithota.
Na Samadula o ne a tseba seo motswalle wa hae a se rerileng Tiisa karabo ya hao ka ho qolla mola seratswaneng?
Bala seratswana se latelang o ntano se akaretsa ka dintlha tse SUPILENG.
Mohlahlobuwa a ngole ka mokgwa wa moqoqo ka mantswe a sa feteng 110.
Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao ha a a ngola ka mantswe a hae a sa qotse seratswana se le jwalo.
Qetellong ya kakaretso ya hao bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Hoba ba fihle bodibeng, hona moo ho phelang kganyapa morena wamadiba, Mabophe eleng lona lebitso la nkgekge enwa, a tjhesa ditlakala tsa hae a kubetsa. Hoba a qete tsohle a laela Mohale ho kena bodibeng hore morena wa madiba atle a mo nyeke. Hang ha biloha mohodi o matla o ikentseng lerule lesweu o feleheditsweng kemoya obatang le ho feta wa mariha. Metsi a biloha a ipopa maqhubu mme ha utlwahala mehoo e kang ya dithotsela. Mmane wa tlola lehodimo ka lehare lai! tseke! Ha nto utlwahala lethwatharathwara la maru lehodimo le sele. Mahlo a Mohale a tjhwatjhwasela a tlala dikeledi, meriri ya re shwababa.
Nakongena Mohale o ne a sa thothomele empa a tlakasela. Pelo e otla ka sekgahla se tshabehang hoo o neng o ka tiisa hore e tla phunya sefuba. Ha tsena di etsahala, mehopolo ya hae e ne e mo fa hore kajeno ke la ho qetela. O ne a bona hantle hore a kekea tswa moo a phela. Kaha ntatae a ne a mo laile ka thata, a iteta sefuba le ha a ntse a bona mehlolo ena. A sa tshohile jwalo a bona ho hlaha sebatahadi se hlooho di pedi ka maleme a tswang malakabe a mollo. A hwama, a bipetsana mme moo arengo tla hweletsa, sabese se ikgarile ka yena sebata sa madibase mo nyeka hotloha hloohong ho ya tswa maotong. Ha se ntse se mo nyeka jwalo, moya wa sona o batang o ne o nkga phu! Nakong ena Mohale o ne a shwele lefu le lenyenyane, a sa phefomolohe le ho phefomoloha.
Ntatae Hlephe le ngaka Mabophe ba ne ba emeletse thokwana ba tadimile ka leihlo le ntjhotjho hore moshanyana a se fose ditaelo. Hoba kganyapa ena e boele kweetseng moo e phelang teng, mohodi wane o neng o ipopile o iphetotse leru le lesweu, mehoo ya dithotsela lemoya wane o batang tsa nyamela. Lehodimo laboela la hlaka. Mabophe oile a laelaMohalehore a tswebodibenghore a tsebe homo phatsa. O ileammeha ditlhakatse pedi phatleng hore ho se be le motho ya tla pheha kgobe le yena mme ba mo shebang ka mahlong ba sehwe le letswalo ba tabanye mahlo jwale ka ntja e utswitseng mahe. A mmeha tse pedi sefubeng hore a be sebete a tsebe ho sututsa ntwa ka sefuba a nto mmeha tse ding manonyeletsong a letsoho le letona horea tsebeho hlaba kalerumo. Bona e ne e leboloi boontatae a neng a bo rata. Pelo ya hae e ne e le tshweu ha a bona tsena di etsahala a re jwale mora o tla anya kgonong, a mo futse ka mekgwa le diketso. Ntatae o ne a tseba hore o jala peo e tla beha ditholwana tse jwang mohla e metseng.
Basotho ba re e mafi ha e itswale empa mona Hlephe o ne a itswetse. Mora o ne a futsitse lebitsola haehobanee nee le mohale wa sebele. Thaka tsa hae di ne di mo tshaba lebekebeke. Le ha e ne e le mohale jwalo, o ne a se leqhoko, a sa e late latailana. E ne e le motho wa kgotsoya nang le pelo ya botho a sireletsa ba fokolang. O ne a dumela hore dikgoka le ntwa ha di ahe mme motse ho ahawa morapedi.
Bala seratswana se latelang o ntano araba dipotso tse tla se latela.
Atjhe! Ruri ke hlotswe, ke hlapetse matsheong. Batho ba lahlile setho le botho ba bona. Mosotho o boletse ha a re ho hlolwa ha monna ha se ho senyetsa borikgwe. Kajeno sethepu se a nyefolwa, se ilwa sekgethe. Ha e le taba ya mahetlathebe yona eqheletswe matjoing ka horekeboqaba. Le ha e mong wa basadi bamahetlathebe a ka ikela masihlwane, o nea robala ka kgotso hobane banabahae ba ne ba tlasala ba hlokomelwa ke enwa ngwanabo. Lebaka-baka ke kgahlamelo le tshusumetsoya baditjhaba. Basadi ba mehleng ena ba rutehilemme ba ikemetse kahohle-hohle. Tswelopele e mentse mekgwa le meetlo ya rona.
Mehleng ya boholo-holo bana ba ne basa ithere mme ngwanana a iphumane a nyetswe ke letsukunyepe sebele. O ne a tla reng hobane a ne a ikobela molao wa batswadi. Tjhobediso le yona e batlae nyametse hobane ditokelo tsa basadi di nketswe hodimo ho feta meetlo ya boholo-holo. Dintho di fetohile mme di fetoha jwalo di hohola setho le botho ba rona.
Letsibolo, yena ngwana wa matshwakatha e ne e le ntho ya bohlokwa. E ne e le motlotlohangwanana a nyalwa a sa ka a robeha lengole. Kajeno le dipollwane tse ntseng di ikanya menwana tsa banana ba esong ho nyalwe ba kgaba ka bana. Bontata bana bao ke bashanyananyana ba ntseng ba phumulwa mamina.
Tswelopele e mentse mekgwa le meetlo ya rona.
Isa polelo ena ho boetsuwa.
Boela o e ise ho lekgathe lejwale.
Bolela mabitso a mahokedi a ntshofaditsweng.
Sebedisa mabitso ana dipolelong e le mahlalosi a tulo/sebaka.
ha ke a phoqeha le kgale.
Nyenyefatsa mabitso a latelang o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
Sebedisa mantswe ana a latelangdipolelongtsa haotse pedi ho hlahisa meelelo e mmedi e fapaneng.
Fana ka lentswe le le leng le hlalosang dipolelo tsena.
Monna ya nyetseng basadi ba fetang bobedi ho thwe o nyetse...
Bana ba motho ba nyetsweng ke monna a le mongba bitswa...
Ho nyala mosadi ka kgang ke ho...
Ngwana wa pele ka lapeng ke...
Sebolai o bohalehaholo ebile ke monna ya nang le nnete. Athe haele morae Thabo yena o na le tjhelete. Ke ka hoo a reng banana ba mehlengena ha ba sa pheha jwalekabommabona empa kematawa hobane ba nwajwale ka bontata bona. Ba tla pheha jwang hobane ba tsohella sepotong ka dithoko, manala onaa le malelele ho feta mekwebe ya mokoko wa leqheku. Meomo e meputswa e mefophodi ya metsi ao a sa tsebeng hore o teana kae le ona hobane ho se pula e neleng.
Fana ka ditho tsa puo tse sehetsweng mela ka tlase.
meomo e meputswa...
mekwebe ya mokoko wa leqheku...
Bala polelo ena o ntano araba dipotso tse itshetlehileng ho yona.
Banana ba mehleng ena ha ba sa pheha jwale ka bomma bona.
Fetolela polelo ena ho temekiso ya tumelo.
Hlalosa se bolelwang ha ho thwe.
Ngwana wa lekgala o tsamaya ka lekeke jwalo ka mmae.
Sebedisa makopanyi ana dipolelongtseo o iketseditseng tsona.
Bolela mofuta wa leba o sebedisitsweng dipolelong tse sehetsweng mola ka tlase.
Bala seratswana se latelang o ntano se ngololla empa o lokisitse diphoso tse kang tsa mopeleto o fosahetseng, matshwao a puo, puo e fosahetseng le diphoso ka kakaretso.
<fn>11111VQS2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo; e leng A, B le C.
Ho boima ho seholla letona la matlotlo - Trevor Manuel-ditekanyetsong tsa hae tsa monongwaha, ngwahola esitana le ngwaholakola. Mekga ya bohanyetsi yona e ye be e ntse e eme ka leshomele se nang motso, e bontsha ho se kgotsofale. Eentse mehoo a sa hlokahaleng, feela rona re a mo thoholetsa hobane re kgotsofetse. Ke bolela le mopresidente ka sebele o a mo thoholetsa.
Ha motho a ka ela ditekanyetso tsena hloko, o tla fumana hore di itshetlehile hodima tswelopele le boemo bo tsitsitseng ba moruo. Hodima moo boemo ba moruo bo ipapisitse le moruo wa lefatshe ka bophara; ke hore Afrika Borwa e boemong bo le bong le dinaha tsa lefatshe kaofela.
Mafapha a fapaneng a mmuso a sehetswe ho ya ka ditlhoko le sepheo sa mmuso. Twantshong ya lefu lena la phamokate mmusoo hlile o kgephotse haholwanyane hore mahlatsipa a fumane tlhokomelo e sa belaetseng, mme bonake boikarabelo ba lefaphala Ntshetsopele ya setjhaba. Bona ke boikemisetso bo pepeneneng. Ntle le moo maqheku, dikgutsana le ba dikolwana di mahetleng ba ekeleditswe hodima seo ba se fumanang, mme sena kesesupo sa horemmuso o hlokometse baahi ka ho phethahala.
Ka sepheo sa hofokotsa sekgahla sa bofuma le ho akofisa ntlafatso ya bophelo ba mafutsana, mmuso o hopotse ho sebedisa bonyane dibillionetse mashome a robedi a metso e tsheletsenga diranta. Ke tsona tse tla thusa twantshong ya kgodumodumo ena, hobane mahlatsipa a yona a tla abelwa dithethefatsi tsa di "anti-retroviral" le ya ho itlhokomela. Ka tsela ena mmuso o hlile o lwana ya-sedula-matswapong kgahlanong le kokwana e tshabehang e ntseng e kgephola tjhabana sa Rantsho.
Ha e leLefapha laThuto le sehetswe kgubung, mme sena kesesupo sa horemmuso o ikemiseditse ho ntlafatsa boleng ba thuto. O tle o elellwe hore diprojeke tsa mmuso mabapi le tsa thuto ke tlakana le a raha ka sepheo sa ho fihlella bohle.
Ntle le moo mmuso o bolokile manyane bakeng sa phumantsho ya mesebetsi. Papetla e ka hodimo e bontsha hantle dipersente tseo lefapha ka lefaphale di abetsweng. Afrika Borwa ha e bapiswa le dinaha tse ding keyona e nang le leqeme le phahameng la mesebetsi ho feta tsohle, ebile ditsebi di re ke sonasesosa sa botlokotsebe.
Ke kgolwa hore motho mang kapa mang o tla kgotsofatswa ke boiteko ba letona ho kgotsofatsa bohle ba dulang Afrika Borwa mona, ho nolofatsa kapa ho bebofatsa bophelo ba rona.
Mopresidente wa Afrika Borwa ke mang?
Ho ya ka mongodi sepheo sa ditekanyetso tsee ke sefe Fana ka mabaka a MABEDI feela?
Mmuso o ikemiseditse ho lwantsha lefu lena la phamokate. Fana ka ditsela tse PEDI tseoka tsona mmuso o bontshitseng boikemisetso ba ona ba ho lwantsha lefu lena.
Ho ya ka papetla e ka hodimo, mmuso o mafapha a makae?
Ho ya ka wena ke lefapha lefele neng le tshwanetse hoabelwa ho feta a mang Hlalosa?
Hobaneng mongodi a tshwantsha phamokate le kgodumodumo Hlalosa ha kgutshwanyane?
Ho ya ka ditaba tseo o qetang ho di bala bofuma bo bakwakeeng?
Ho ya ka wena na Lefaphala Thuto le anetswe ke persente tse mashome a mabedi Hlakisa?
Bontsha ka moo o neng o ka thusa maqheku le ba sa itekanelang ka teng hoja oneo le Letona la Lefapha la Ntshetsopele.
Bala seratswana se latelang o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tsa bohlokwa. Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao bakeng sa o ela ditaelo hloko.
Qetellong ya kakaretso, bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Leka ka hohlehohle ho akaretsaqotsoena ka mantswe a hao.
Dipatlisiso di bontsha hore TV e ratwa hobane ere thusa ka hohlehohle ho ntlafatsa tlotlontswe, dikgokahanyo, puo le thuto baneng. E re hokahanya le matjhaba a lefatshe ka kakaretso mme kahoo e re kgemisa le dinako ka tsebo. Hare bonadikgalala tsamatjhaba, hoo ho re kgothaletsahotsitlallela bophelo boo bo monate.
Diphaposing tsa sekolo, Thabo ya dilemo di 11, ha a kgone ho tsepamisa kelello ya hae mosebetsing wa sekolo. Maikutlo a hae a dula a farasa ka thatohatsi ya haelenaneong la thelevishene. Ke tseo he tsa TV.
Kamora moo o potlakela lapeng a habile ho boha mananeo ao a a ratang a hlahang ho sethetsa-badisana sena. Ha mmae a fihla o fumana moeka esale a dula ka pela sebohwa sena sa Makgowa. E tla ba yena mmae ka sebele ya tlhatlehang. Ka nako tse ding ba robala bosiu esale ba e tonelamahlo. Thabo lemmae kebabang ba dimillione tsa batho ba ikgathollangka ho ithabisa ka TV.
Ka baka la boemo bona ba ditabaTV e nkilenako eo re hopolang hore ke ya lelapa. Malapa ha a sa na nako mmoho. Ka hoo ditumelo tseo malapa a neng a tshetlehwe hodima tsona di bohotswe kedintja. Boitshwaro ba bana le bona bo tshwaetswa ke ho boha TV nako e telele. TV e pepesa morusu le tlhekefetso, kahoo bana ba nahana hore keyona tsela ya ho phela. Bana ba se ba itshwantsha le batho ba baholo, ho realo Beverly Killian wa thuto tsa boko. Ba etsisa thobalano eo ba e bonang setshwantshong, le bana ba banyenyane ba se ba tseba le "kakano ya Fora". Dipapatso tsa mananeo a kang thibelo ya phamokate, peto le tlhekefetso di beha batswadi tsietsing.
Batswadi ba tshwanetse ho ela tse latelang hloko tataisong ya bana hore thelevishene e ba tswele molemo. Dikeletso tse molemo ke tsena. Se e bulele ha ho se ya e bohileng; bana ba se shebe TV nako e ka hodimo ho hora le halofo. Bana ba sekolo bona baseeshebe pele baeya sekolong hobane sena se ka sitisa maikutlo a bona ho tsitsa hodima dithuto tsa letsatsi. Beha melao ya ho boha TV, ba e shebe feela bonyane hora feela. Kgothaletsa bana ho ithabisa le ba bang haholo jwang ha hodimo le sele. Se e tshabe ho ba tlohedisa ho boha lenaneo leo o boneng hore ha le a ba tshwanela.
TV ke ntho e teng lefatsheng lena leo re phelang ho lona ho realo Killian. E sebedise kahloko molemong wa lelapa la hao. Se ba dumelle ho shebella mananeo a se nang molemo. Mosotho o ne a tiisitse ha a re ha ho ntho e mpe e hlokang molemo kapa e ntle e se nang bobe.
Banna ba morena ba ne ba tswile letsholo maobane. Letsholong leo, bahlankana bohle ba ne ba le teng pitsong. Moetapele wa bona e ne e se lekwala, hobane o ile a hla a bolela hore ba boi ba tjhetjhe. Letsholong ba ile ba tsosa dibata tse ngata." Joo wee! tau e lomme monna ya matla noka!, lentswe le phefa la hoa. Monna a hoa a re; "tau e lomme e moholo noka," mme e mong a botsa ka ho re; e ka mo loma jwang tau?
Sebedisa dipolelo tse latelang ho araba dipotso tse hlahlamang.
Re fe mabitso a ditho tsa puo tse ntshofaditsweng polelong ya (a) le ya (b).
Sebedisa lentswe noka, dipolelong habedi hohlakisa meelelo e mmedi e fapaneng le o sebedisitsweng seratswaneng se ka hodimo.
Karolo tsena tse pedi ya matla le e moholo di fapana jwang Fana ka mabaka a MABEDI?
Qala polelo e latelang ka moetsuwa: Letsholong ba ile ba tsosa dibata tse ngata.
Ho sebedisitswe leba la mofuta ofe polelong e latelang Moetapele wa bona e ne e se lekwala?
Isa polelo e ka hodimo temekisong ya tumelo.
Qolla lelahlelwa le le LENG le sebedisitsweng seratswaneng.
Lelahlelwa leo le sebedisitswe ho hlahisa maikutlo afe?
Ngola polelo e latelang hape empa mothating ona o sebedise leakaretsi ho tiisa lebitso le sehetsweng mola?
Qolla mahlalosi a mabedi onto iqapela dipolelo tse pedi kaona.
Ho sebedisitswe sekapuo sefe polelong e latelang: Monna e moholo ke tau?
Fetolela polelo ena Monna e moholo ke tau ho tshwantshanyo / papiso.
Setjhaba se ketekile moketehadi wa dilemo tse leshometsa puso ya setjhaba ka setjhaba. Se ne se ketekela lebaleng la Orlando. Mofumahadi o ne a kgotsofetse ho bona boiyane bo bokaalo. Ho bannanyana le basatsana ba bang e ne e le nako ya ho inwella ho ituletswemoriting. Motho ofe kapa ofe o ne a ka thabela hobakaroloya mokete oo.
Qolla mantswe ao dihlongwanthao tsa ona di thaletsweng mela e be o bontsha /hlakisa moelelo o tliswang ke tshebediso ya sehlongwanthao ka seng.
Qolla lebotsi le le leng ho tswa seratswaneng o nto le sebedisa polelong eo o iqapetseng yona.
Qolla lebitsokgoboka le le leng ho tswa seratswaneng.
Bala ditaba tse latelang ebe o o lokisa diphoso tse hlahellang. Ngola phoso, ebe o a e lokisa.
Mofu kemora wa matswathaka, kgorula ya ntateKatse Tadi le mme Mmatadi. O thomile dithuto tsa hae mane sekolong sa Mohapi, a nto fetela ho se mahareng sa Mahohodi. Ka 1948 a pheta dithuto tsa hae sekolong se phahameng sa Lefitori.
Kamora moo a ya sebetsa dimaeneng tsa Welkom moo a ileng a tholwa jwaloka mabalane. Kamora lemo tse tharo a phahamisetswa mosebetsing wa ho ba molaodi wa bao a sebeditseng le bona.
O siha mosadi, mora, baradi ba babedi le Ditloholo tse hlano. Re robalele ka kgotso Mosia.
<fn>11112VMF2005.txt</fn>
Ho tlohelwa ha mantswe. Ho tlohetswe lentswe sello. Ho fokotsa palo ya mantswe moleng. Ho mola 5 dikgapa - ho fokoditswe lentswe di - kgapa ka ho tlosa sehlongwepele - di - ho tlisa morethetho.
Phetapheto ya moelelo / mohopolo.
Karaburetso ya ho utlwa. Mona eka re se ntse re utlwa sello sa ya llang.
Mola wa bohlano ha o emise o kena ho wa ho qetela ka ho otloloha. Ke mola o tswellang..
Sethothokisi se kgotsa mekgwa ya ho apara yabasadi ba kajeno.
ba apara tse kgutshwane hoo ekang ba tsotse.
se phoqa ngwetsi ka meaparo ya yona.(kgetha karabo e le nngwe feela) -ha a itlhokomele / O bahlaswanyana.
ho phethela temana.
ho natefisa le ho hatella moelelo mohopolo o le mong o menahane hangata.
mohopolo o sala o duma ka tsebeng tsa mmadi.
Tshwantshiso / sesomo le karaburetso ya pono . ya motsamao ya mmele.
ha re kgutlele setsong / re itlhompheng.
Ditaba di mahlong taba di pepeneneng.
Se tlang pele ho yona se ba maemong a tshwanang le se se hlahlamang.
Moleng wa 1 le 2 ho sebedisitswe phetamoelelo/phetamohopolo -tlhompho le hlompha -ho toboketsa kapa ho hatella mohopolo. -moelelo wa 'apara' moleng wa pele o atametse ho 'lefitori' moleng wa bobedi Mola 2 & 3 hadi - e phetaphetilwe ho hodisa . boholo abbb(di) - ho hlahisa raeme.
b Moleng wa 8 ho na le lebotsi Sepheo - ho mema maikutlo -ho hohela mobadi/momamedi -lebotsi mona le sebedisitswe jwalo ka apostrofi, ho buuwa le se sa utlweng jwalo ka ha eka se a utlwa.
c Kganyetsano e fumanwa moleng wa 34 le 35, 9 & 10 boimanyana bobebe Sepheo - mehopolo e atamelaneng moleng e a hanyetsana bohlaswa le bofeela - thabetse - 26 & 29 sello botle le bobe tlala 22 & 23, 21 & 24 - kgora. -kganyetsano e a bapisa.
d Moleng wa 5 ho sebedisitswe karaburetso ya pono mola 13. Sepheo: ho bopa setshwantsho sa mohopolo.
Mohopolo o phuthetsweng lehlasong o sala o duma ka tsebeng.
d Mookotaba-ho kgothatswe baithuti ba hlolehileng pele hore ba se nyahame.
thuto ke ntho ya bohlokwa mme re lokela ho e hlompha hore re bone melemo ya yona.
e Maele mola 11-ho natefisa thothokiso ho ruta babadi ka ho hong ho itseng. Ha o na le mamelle. o pheela o tla be o atlehe.
POTSO 3 Leru Le Lefubedu - T.W.D.
Lemenemene ebile o na le lenyatso/tello..
Ke ntwa dumela / lemao le ntlhapedi..
O tshaba nnete / O tshaba ho tobana le ditaba.
Kgutso le kgotso naheng le tjhabeng sa hae.
Lentswe ha le kgutle.
setjhaba le naha ya hae.
Kgohlano ke sesosa sa ketsahalo. E amana le mookotaba wa tshwantshiso.
O tennwe ke boitshepi ba batho ba fihlileng ba nka naha ya batho ka ntwa. Ha ba hlajiwe ke dihloong.
Hobane ba tlwaetse ho itsamaela feela.
Ke motho ya mosa, ya bonolo -o bohlale mme o na le ponelopele -o rata kgotso -ho balehela ho kolobetswa hhobane a tseba kolobetso e tla fetola setjhaba.
Ke motho ya neng a rata ntwa.
O bontsha mamello le pelo e telele.
Ke motho ya potlakelang ditaba.
o sebedisa masene a hae ho qhekanyetsa batho ba bang hore a fumane seo a se batlang. (Ho shejwe le dintlha tse ding) [15] 3.
Sesosa sa kgohlano e ka Lesotho e ne e le noka ya Mohokare e neng e tsekwa ke Maburu le Basotho. Mohokare e ne e le bohlokwa ditjhabeng tse pedi tsena hobane ba ne ba phela ka temo. Ba nosetsa masimo a bona ka metsi a yona, Basotho ba ne ba nwa le ho pheha ka metsi a yona;ho nosetsa makgulo le ho nwesa diphoofolo ka metsi a Mohokare. Ka hoo ba neba ke ke ba arolelanametsi a yonale ditjhaba tse ding, mme ba ne ba ke ke ba dumelahore e nkuwe feela tjena basa e lwanela. E ne e ba fokoletsa naha.
Kgohlano e qadile ha marenana, boPhoshudi, Moletsane, Letele, le Moorosi ba ne ba hlasela Maburu, mme ba ripitla Wadene le mabotho a hae. Maburu a ile a halefa ke ho hlowa hona. Ba ile ba itokisa, ba hlomela, ba hapaditjhabeng tse ding tse nyenyaneho eketsa mabotho a bona. Ha Basotho ba sa ile le kgongwana hodimo ka tlholo ena, Moshweshwe a fumana lengolo leo e neng e hlile e le le etelletseng tlhaselo pele. Ha Moshweshwe a sitwa ho phethisa tse neng di batlwa lengolong leo, Maburu a hlasela mme Basotho bahlolwa. Ena e bile qaleho ya dintwa tse sa feleng pakeng tsa Maburu le Basotho.
Tharollo ya qaka ena e tlisitswe ke bohlale bo ileng ba fihlela morena. Ha a bona hore setjhabale mehlape di a fela, mme masimo a senngwa ho ya ho ile ntwa ha e fele, a kopa moruti Casalis hore a ngolle Mofumahadi Victoria wa Engelane lengolo, a mo kope hore a behe Lesotho tlasa tshireletso ya Borithane. Eitse hoba Mofumahadi a ananele kopo ena dintwa di ile tsa fela ka Lesotho mme kgotso ya eba teng. Maburu a ne a ke ke a hlola a hlasela Basotho hobane ha ba ka etsa jwalo ba ne ba tla futuhelwa ke Engelane.
Kgama ha asea le sekolong se phahameng o furalla Dibakisoha a sa mo tsotella -o mmuisa hampe -o se a ratana le Sentebaleng -o thetsa mmae ka hore o ya sekolong athe o itulela le Sentebaleng Maseru -o qetella a hlasetswe ke mohlakana wa Sentebaleng le metswalle ya hae.
Dikamano tsa hae le ba habo kgama ha di a ka tsa fetoha.
Hona re ho bona ka ho ikopela hore a mpe a mo tshwarele tse mpe tsohle tseo a di entseng.
Ho se tshabe batho ba baholo ho itulela tlung ya makapa eka ke monna le mosadi ba tsamaya bosiu ho ya boithabisong, ho se motho ya tsebang moo ba le teng.
Mafikeng o ne a sa utlwisise taba ya ho isa bana sekolong a re se a ba senya.
o ne a re ba lokela ho hodiswa ka tsela ya setso, ba bolotswe.
Kgama o phetse bophelo ba Maqai a netefatsa puo tsa Mafikeng.
Sentebaleng ke ngwanana ya neng a itshwere hampe.
o ne a rata menate.
o ile a balehisetswa Popa ka baka la boitshwaro ba hae.
E ne e le lebelete le ratang bokgowanatshwana.
Mofifi ke motho ya ratang setso empa a bile a rata ho se kopanya le bohlalefi. O buisana le moholwane hore bana ba iswe sekolong mme ba tle ba ye lebollong ha ba qeta sehlopha kapa lengolo la mathomo. Ha ho tluwa tabeng ya ho disa, o bolela hore ba tla disa le ho kena sekolo ka ho fapanyetsana. Lebaka le etsang hore a rate sekolo ke hobane a tseba ditshotleho le mathata ao bona ba fetileng ho ona ka baka la ho se rutehe.
O nyonya boqai ka pelo yohle. O rere tla fumana re teile ka maqai a matonana a morusu. Leqai mokgwa lona le a tella, le pelo e kgutshwane, le manganga...
Ha a bone molemo wa thuto ya sekolo sa tswelopele. O bona thuto ena e etsa hore batho ba fetohele setso sa bona. O re ha o ka tadima batho ba reng thuto e ba nehile menyetla bophelong mme e ba ruisitse maqheka a bohlalefi, o tla fumana hore ho na le moo e nyotobeditseng setho sa bona.
E ba fetotse, mme e entse hore ba se boulelle meetlo ya bona.
Mafikeng a ke ke a reka botswelopele ka ho furalla sehahabo.
Kgama le Theko ha ba ntse ba hola.
Kgama o lebala kapele lefika leo a kgephohileng ho lona ha a futhumallwa ke naha ya bophelo ba tswelopele. -O kgutlile sekolong a se a fetohile ho tu! Mongodi o re dintho tseo a neng a di rata pele o ne a tadimeha a se a di hlokela thahasello. -O kgutla a se a sena tlhompho, a hloka teboho o na le lenyatso le ho nyefola setso.
Theko o hotse le Kgama hantle ka tsela ya bosetjhaba ho tloha bonyenyaneng ho ya kena bohlankaneng.
O ile a bolotswa a kena bonneng mme a tswela pele ka bophelo ba bosetjhabeng. -ha a ka a kgeloha tseleng ya sehahabo. Tello, manganga le tse ding tse sa kgahliseng tsa tswelopele di ne di le siyo ho yena.
Titjhere Paulose le mohlahlobi wa dikolo.
Paolosi ke ngwana wa Mohlakeng mona mme lebitso la hae la tswalo ke Phakwe feela o ne a sa le batle, hobane a re ke la dipoding. O ne a hloile tsela eo Basotho ba phelang ka yona, jwaloka meriana ya setho.O bolela hore Basotho ba qenehetse dintho tse se nang thuso ke ka hoo ba salletseng morao. Lebaka la hoo ke hobane a ena le kgahlamelo e kgolo ya thuto ya Manyesemane.
Mohlahlobi wa dikolo ke motho ya nenang setho mme o se bitsa masawana. O kgothalletsa batswadi ho kenya bana ba bona sekolo hobane a re bona ba lefifing mme ba tshwanela ho phemisa bana ba bona lefifi leo. O nyatsa tsela eo batho/basotho ba phelang ka yona o e bitsa bohetene. Ho ya ka yena lebollo, sethepu, ho disa le tse ding ke bohetene.
<fn>11112VMF2006.txt</fn>
Kopa tjako kopa makgolokwe phetapheto ya mantswe.
Kgotso le ntwa.
ho hatella moelelo.
Ho fana ka morethetho.
ho shwa ka bongata.
Balade hobane e na le lehlaso.
Lehlaso ke ho tlamahanya ditema le ho tjhorisa mohopolo o tshwerweng thothokisong. / Natifisa thothokiso.
15 letshwao la potso.
Re tlwaetse ho sotleha hobane re hotse tlasayonao se ipateka ntho tse sa dumellwang molaong.
Pono: Ho sebedisitswe setshwantsho moo mmadi a bonang naha e kgabisitswe ke matekwane. Maralla, diphula, dikgohlo tse phatsimang. Mmadi o bopelwa ditshwantsho tse fapaneng.
Mola 14 le 15; ke ya mantswe, ka Palesa.
Mola 4, ke ho toboketsa moelelo/totobatsa mohopolo.
7, 12, 14. Lehodimo lefifi le filwe semelo sa motho.
Lefatshe le ba le seriti. / ho hlompela.
b Ho tsamaya ka bolokolohi.
Phetapheto ya mantswe e tiisa se bolelwang. Moleng wa 14 le 15 o hatella 78 11horere utlwisisemolaetsa o tliswang ke bao ba dulang ba potlakile.
Molatswelli moleng wa 2 ..o hokanya mela ena e mmedi hobane moelelo o mong.
b Kgetho ya mantswe: Makgohledi a kang a latelang a tlisa phapang thothokisong: tatile ke matasatasa; Sefonthwara. Rakelello, makodilo, Rakelello;makodilo; tsebe e lethwethwe jj. A tlisa moelelo o tiisang bohlokwa ba mosebetsi wa monna enwa Tlohelo moleng waborobongho bopa moretheto moleng Phetapheto moleng wa 15 le 16 e tsamaelana le se neng se rokwa mona. molaetsa o hlahella hantle.
O sebedisitse lebotsi; molatswelli le phetapheto.
Ha o tumme ka ntho, ho rokwa mesebetsi e metle eo ho buuwang ka ona.
NB Seemela: Bara ba tsebang Seemela Le Phetolabitso.
Leru le Lefubedu - T.W.D.
Bara ba morena ba ne ba e lata letailane ho ya lwantsha maburu. Ba ba bolaisa sebabole.
b Bautswa mehlape hoba Basweu. Ba hapa mehlape ya bona e be ba qholotsa Maburu.
Hobane Moshweshwe ha a ka a dumela hore ba mo qhekanyetse ka tumelo eo ya bona.
Ho opa matsoho.
Maburu hobane ba ne ba na le dibetsa, ba rutehile ba na le polane / leqheka la ya honkela Basotho naha, ba ile ba ba qhekanyetsa, ha ba qeta ba sebedisa dikgoka. Ba nketsweng naha ba tla dula ba ngongoreha, ba tla dula ba lwana, ba nka mehlape ya bona hape.
Se ne se tla hloka moetelli pele ya se ratang, hobane o ne a tla qala ka ho nyefola meetlo le mekgwa ya bona.
Pholoswa - Nena meetlo.
Bo re senolela semelo sa mophetwa Morena o rata kgotso Moshweshwe o na le ponelopele O na le tumelo le tshepo bana ba hae ba rutehile.
Ho thusa ho totobatsa kgohlano. Kgohlano ya moedi Mohokare o iketsa sera ho nna Kgotso ha e yo haesale leru le fihla naheg. Basotho setjhaba se senyenyane. Ho tla ha ditjhaba tse matla tse ratang ntwa. Re tla nwa metsi kae?
Ho kumela babadi tse etsahetseng pele Mohlomi o noha se tla etsahala ho etelwa ke badimo. Ba mmontsha leru le lefubedu. Bara ba hae ba tjhorisitse dikelello ka ya mose thuso. Ho jwalo kajeno.
Ho bidietsa tse tla etsahala. Setjhaba se tla futsaneha se tlatlapuwe. Bana ba motho ba hloyane, metswalle e hloyane, Bara ba bolaye bo ntata bona, bontate ba je bana ba bona. Ke bitsitse Masopha le Sekonyane ho qoqa. Re robala re lebelletse hore tsa ka moso e be tse monate. Tjhaba se tla qhalangwa seka Mohodi ha o apoha. Tjhaba se tla tlatlatjwa se futsanehe.
Ho re senolela mofehelo ya mophetwa. Mohokare e iketsa sera ho nna. Kgotso e kae haesale leru le fihla. Lefatsheng ntho e kgolo ke tebello. Ka mohlomong ho se be jwalo?
Motho wa kgotso.
Ha a rate ntwa. O tsitsitse / bositso.
Ba ho isa Theko le Kgama sekolong. Kgama o bapetse ka monyetlaathe.
Theko o ile a kula kgame o ile a iketsetse tsa hae.
Bashanyana eka ha ba kgathallwe hoba ho apara tsheha le kobo kamehla.
E bontsha hore moshemane ke kabelwa manong o tlameha ho ikgwantlella. O etseditswe mathata / Ha ba kgathallwe.
Ditlhoko tsa banana di ngata ho feta tsa bashanyana.
Mofifi o ne a mo hlompha empa ka boholonyana o ne a rata ha ho ka ananelwa dikakanyo tsa hae.O ne a mo rata. Ba etsa dintho mmoho. Mmakgama le MmaTheko. Ene e le basadi kahoo ba nebasena boipuello. O ne a tshwanetse ho hlompha dikakanyo tsa batho ba bang.
O ne a sa tsitsa jwalo ka Mafikeng. One a le bonoloa bile a na le ponelopele. O ne a ba kgathalla haholo hoo Kgama a batlileng a senyeha.
Matsapa ohle -Ho kgwehla /ho se tsitsi . ho thothomela.
O ile a hloleha ho tswela pele ka dithuto tsa hae, o ne a hloriswa kehlooho e opang.
O a tella, o lonya, o pelotelele, o rata ho senyetsa batho, o mona. 1 fact 2 marks Theko o emela setso hlooho e entse hore a se tswelle pele ka sekolo. Ka mohlomong yena o ne a tla tsamaya tseleng e lokileng, ebe mongodi o hloleha ho hlahisa kgahlamelo e mpe ya moya wa bophirima.
Diteko tsa Theko tsa ho kgalema, di ile tsa se tswelle; sekgahla se boima sa bophirima. Boloi ba Mampolane bo etsa hore Theko a qetele a le mophatong.
sa disu ya qetela e le kgang e kgolo le boiphethetso ba Mofifi ba ho kgutlisetsa boloi ho monga bona.
kgama le theko ba a lekana.
O nyonya boqai ka pelo ya hae yohle.
Ha a furalla moetlo.
O tshwere lelapa la hae jwalo ka hlooho ya lona.
O thakgisa lelapa/ o tsoselletsa lenaka selemo le selemo.
Ha a bone molemo wa thuto ya sekolo sa tswelopele. O bona e thefula setso.
Qetellong o itse tsena bobedi di sebediswe ka ho lekana. E be di ya thoteng di bapile.
b Tsa Lepato.
Ba ile ba mo epela, ba mo rwesa ntlwanalehlanya hloohong.
Ba mo apesa lekoko la kgomo eo ba mo feheletsang ka yona.
Ba mo sehla mesifa, ba mo tlama ka thapo ya modi.
A shebiswa botjhabela. Ba mo neha molamu.
Mofifi ke monna ya nang le ponelopele ya bophelo bo botle.
Ke setshabelo sa malapa ana a mabedi hoba o leka ka mahohle ho ba hlokomela.
Monna ya mofuthu ka nako tsohle ba lelapa ba ne ba sa tshabe ho buwa mathata le maikutlo a bona le yena.
Ke motho wa maikutlo a phodileng jwalo ka ona moriti wa sefate.
b Sentebaleng Moaparo wa hae o bonahaletsang mmele. O ne a itshwere hampe a rata menate. O rata bahlankana banna ba batho ba nyetseng. E ne e le lebelete le ratang bokgowanatshwana. Lemenemene la motho, letjholotjholo, mmamaqheka e le ka nnete Leshodu o a kgothatsa. O hodisitswe hampe, ke mmae. O leleme le boreledi. O sebedisa botle ba hae ho phethisa tse mpe.
<fn>11112VMS2006.txt</fn>
Kgapha tsa ka - K.P.D.
Ho botsa potso eo ho sa lebellwang karabo ho yona. Lefu le buiswa jwaloka ha eka le tla araba.
Meleng 8, 11, 12, 14, 21 le 22.
Mothofatso, ho bontsha tsela eo lefu le hlokang kgotso ka yona.
O bolela hore lefu ha le kgethe motho, ke ngwetsi ya malapa ohle.
Seroki se hlalosa hore ha se rate holebala tsohle tse ntletseoba ileng ba di etsa le ho di bona mehleng e fetileng. Se bolela tsela eo ho neng ho le monate ka yona.
Ke motho o ngolla moratuwa wa hae lengolo leo ka lona a mmolellang horeo a mo rata, lehomo hlolohellwa. O bua ka dibaka tsohletse mo hopotsang yena. O lokodisa tsela eo a ileng a hapeha maikutlo ka yona ha a qala ho kopana le Duduzile. O bua ka ho tsekelale ho nyorelwae le dikapuo tse bontshang botebo ba lerato le tlholohelo ya hae ho moratuwa.
Neheletsano - Seratswana sa pele kaofela - ho bontsha hore moelelo o tswelapele ho tloha moleng wa pele ho isa ho wa ho qetela.
Raeme - meleng 7 le 8, 13 le 14, 15 le 16, 17 le 18 le 19 le 20.
Lebotsi - meleng 3, 6 le 22 - ke sethothokisi se ipotsa dipotso se be se ikarabe. Se botsa potso se sa lebellang karabo.
Daggakraal mme hore ba rutehe, ba kene sekolo hona moo.
Phetapheto ya mantswe - moleng 5 le 6, 7, le 8, 18 le 20 - ho toboketsa kapa ho hatella seo ho buuwang ka sona.
Boqapi ba mmino.
Ho bolelwa hore ke mohale mosebetsing oo a o etsang hobane ha ho motho ya lekanngwang le yena ka mosebetsi le hore o bohlokwa ha kae setjhabeng.
Mola o tswella ho wa bobedi. Mohopolo o qalwang moleng wa pele o tswela pele moleng wa bobedi.
Ke ho bontsha motlotlo oo sethothokisi se nang le ona mabapi le ho ba e mong wa setjhaba sa Basotho hobane Mohapeloa ke e mong wa bona mme seabo sa hae setjhabeng sabo ke se tsotehang.
Butle/Kgaotsa - ho elellwisa lempetje hore o se a bone mano kapa maqiti a lona.
TSHWANTSHISO Leru le lefubedu - R.W.D.
Kgotla, Thaba Bosiu.
E ne e le mothusi/moeletsi wa hae.
Ke ho se be teng ha Morena Moshweshwe.
(b) (c) O ile a laela hore Sir George a leshwe ditlhapiso tseo a neng a ba behetse tsona. O hana hore ho hlaselwe maburu hobane a re ntwa ha e ahe setjhaba feela puisano ke yona e ka thusang ho fedisa kgohlano eo. O laela Casalis ho ngola lengolo le kopelang Lesotho tshireletso ho Borithane.
Ke tsela eo Moshweshwe a ikatameditseng ho baruti ka yona mme ebile badimo ba kgenne. Kgohlano pakeng tsa mophetwa le tikoloho.
O ne a batla hore ha a ka kolobetsa Moshweshwe, Basotho le bona ba tla latela morena wa bona.
Bara ba Moshweshwe ba ne ba batla ho hlasela Maburu empa yena a hana, a batla tharollo e sa tlo tlisa tshollo ya madi.
Ke Maburu. Ba fihlile ka ho nkela Basotho naha.
(b) O ne a bona hore setjhaba sa hae le naha di a nyamela/fela. Ba ne ba hloka matla a ho lwantshana le Maburu.
(b) Morenana le banna ba tlileng kopanong ba qetelletse ba dumellane ka hore Moshweshwe a tloswe boreneng. Tjhee. Hobane sena e ne e le morero wa Poshudi le marenana.
Qwaketsano pakeng tsa batho, ho sa dumellane ha maikutlo le ho hloka botsitso pakeng tsa mophetwa le tikoloho eo a lengho yona.
Ya kantle - tsela eo Maburu a fihlileng ka dikgoka ka yona Lesotho e entse hore ho be le ho se utlwane. Bara ba Moshweshwe ba ile ba bontsha ho se thabele maemo ana a ditaba. Tsela eo Basotho ba ileng ba lwanaka yona ho tshireletsa naha yabona e totisitse kgohlano e teng. Bara ba Moshweshwe ba kwenehela morena hobane ba sa rate tsela eo a sebetsang ditaba tsa moedi ka yona.
b Ya maikutlo - Morena Moshweshwe o ngongoreha haholo ha a bona e le mona setjhabasahae se fela le nahae ntse e ya e honyela. O leka ka matla ho fumana tharollo e tla tlisa botsitso ka hare ho naha mme a qeta le maikutlo a hae hore o tla ngola lengolo le kopang tshireletso ho Borithane.
Marenana Lefehlo le jalwang ke Makwanyane Ho lelekwa ha Mmantsopa le Katse Ditshoso tsa Sir George e bang Basotho ba hloleha ho lefa ditlhapiso tseo a ba balletseng tsona.
Ho etsa eka pokola ya bona e lahlehile.
Dibakiso o ile a bitswa ke mmae pele Kgama a bua seo a tlileng ka sona.
O ne a habile ho fihla sebakeng seo pele ho Dibakiso.
La ho etsa hore Kgama a tsebe ho fereha Dibakiso.
Ya pono. Hore mmadi a kgone ho ipopela setshwantsho sa sebaka seo Kgama le Dibakiso ba leng ho sona.
Tjhee, hobane o teana le Sentebaleng mme eo a mo kgelosa, qetellong Kgama ha a sa rata Dibakiso o mo fella pelo.
O ile a balehela dikgohlong a sa batle ho ya sekolong.
Tjhee, hobane ha ho a lebellwa hore bana ba ba kalo ka Kgama le Dibakiso ba ratane.
Eo ke motswalle wa kgaitsedi ya Kgama, Dipuo.
Mafikeng - Ka ha Mohlakeng e ne le sebaka seo batho ba sona ba phelang ho latela ditlwaelo le mekgwa ya Basotho. Mafikeng o ne a sa fapana ho hang le bona. O ne a tsitlallela ho phethisa tsohle tseo a tlamehang ho di etsa jwaloka monna wa Mosotho. O ne a sa batle hore bana ba ye sekolong hobane a bona hore ba tla fetoha semelo ha ba se ba rutehile. Le ho hloleheng ha hae tabeng ya sekolo, o hanne ha Dipuo a kena sekolo hobane a dumela hore ngwanana wa Mosotho o ithuta tsa mosebetsi wa lelapa hae.
b Kgama - Ke ngwana ya hodisitsweng setho empa ka baka la ho kena sekolo o fetoha ha a kopana le Sentebaleng. Sena se tilisa mantswe a Mafikeng "hore sekolo sena se nyotobetsa botho ba bana ba se kenang" Nakong eo a seng a le sekolong, o se a hana ho disa mme o lwanela ho fuwa mahe, e leng ntho e sa tlwaelehang Mohlakeng.
c Theko - Ke ngwana wa Mosotho hantle hobane o kene sekolo hantle ho fihlela a kula mme le phekolo ya hae e entswe setho hantle hobane Hlahlalebajwa o ile a laela hore ha e le moo hlooho ya hae e sa phekolehe ka methokgo, ho tlameha hore a ilo phekolwa mophatong.
d Paulose - Ke ngwana wa hona Mohlakeng mona feela hobane jwale yena a rutehile, o lahlile tsohle tseo a hotseng a di etsa, ka ha a bolela hore ke dintho tsa batho ba hlokang tlhalefo. O fetotse le lebitso la hae la tswalo Phakwe ho bontsha hore o hlile a sa rate ho inyalanya le eng kapa eng ya kgale. O bolela bana hore ba se dumele ho dingaka.
e Mmampholane - Ke mosadi wa Mosotho ya leqhoko, ya sa utlwaneng le kgotso. Ke motho ya sa rateng lelapa la ha Mofifi mme ka baka leo o emmeletse ho ba qholotsa nako efe le efe. Ha kgomo e diha sebota sa hae sa disu, o halefa ho tshosang. O lwanela hore hobaneng ha Kgama a otlile Madiboho empa ho se kamano pakeng tsa hae le eo Madiboho. O romela Theko dintho tse tshosang tsa baloi empa qetellong le yena o qetella a qhwadile.
f Sentebaleng - Ke ngwanyana ya tswang Maseru, Motimposo. O fihlile mona hobane a tlo kena sekolo teng, mme o dula le rangwane Hlajwane, Popa. Lebaka le mo tlisitseng mona ke hobane o ne a sa bale hantle habo ka baka la monate wa toropo. O ne a bona a fihlile sebakeng seo batho ba sona e leng dithoto. O ne a bile a ba bitsa dikwata feela yena tsa hae diketso di ne di tshosa.
O ile a leka ho bontshana le moholwanae hore ba ise bana sekolong le ha eo a ne a hlola a hana. Qetellong ba dumellana ka hore ba tla se kena ka ho fapanyetsana. -O ne a batlile hore le Dipuo a kene sekolo feela ba hlolana le moholwanae. -Ho kuleng ha Theko, o ile a leka ho fumana pheko pele Hlahlalebajwa a bolela hore jwale hlooho ya Theko e hloka naka la Mophatong hore e fole.
<fn>11112VMS2007.txt</fn>
Ho hata o ikonka.
Mola1 + 2.
Mothoyanangle ditlhabela o hata ha bohloko. O sebedisitse mantswe a latelang ho hlahisa mohopolo o le mong : ditlhabela, mahe, hata kwekwe, tshehlo. Ho thata ho tsamaya tseleng e nang le tsena tse boletsweng. Ha o batla thuto tlohela ho ikonka, o hata eka o a tshaba. Ikakgele ka setotswana o tle o fumane tsebo.
Sefate ha se foforeha dipalesa ha se shebahale hantle. Motho ya sa bontsheng botho ba hae o hlahella a tsotse, a sena moo a welang.
i Sejura -ho toboketsa Ke nna -Ke wena leba Mela ena: a e theola maikutlo b e tlisa boitekolo ii Phafo ya tswalano -ho toboketsa / totobatsa moelelo.
 Lebotsi mela 1,2,3,4 Sethothokisi se hlahisa bokgoni ba ho hlalosa botle, le ho hlalosa moelelo wa bona - batho ba bo bone ba tle ba tsebe ho bo bapisa le diketso. Tshwantshiso mola 8. 0 shweshwe. O bo tshwantshisa le botle ba dipalesa. Ho toboketsa seo botle e leng sona. Mothofatso -o rwetse. Meleng ya 8 le 10. ho kgabisa b  Phetapheto ya mantswe -mela 1 le 2, 12 le 13 -mela 6 le 7, mela 10 le 11. kgetho ya mantswe?
Melang ya 1, 7, 8 le 9 -tswellisa moelelo pele.
ho tswella ha polelo Raeme Tema ya bobedi abcbde. Kgetho ya mantswe. bonyane a hlahise dintlha tse hlano tse fapaneng.
Mahetla a sebetsa seka thebe, a sireleditse setjhaba / Tshwarahano e matla.
Anastrofi -mola thothokiso ho natefisa / ho lobokantswe mantswe / tatellano ya mantswe e fetotswe.
Moleng wa 2, 6, 12. O a reneketsa. Phetapheto o hokantse mela ka mohopolo o le mong. Meleng ya 17 le 18. Anastrofi lobokantse mantswe moleng wa 14. Phetapheto ya sebopeho ho hokahantswe mela ka mohopolo o le mong. Ditho tsa puo tse tshwanang.
Kgetho ya mantswe Phetapheto ya medumo -hl (1 - 2) -kg (4 - 6) Mantswe makgohledi -lefifi botsho bakeng sa ho se rutehe. Moleleki e tsamaisana le lebitso la ya rokwang -e leng Moleleki -ketso ya ho leleka. Pupeditseng bohloko ba ho sa tsebe ho hema, ho se heme ho boima haholo. Ho hloka thuto ho ka lekangwa le ho fellwa ke tshepo ya ho phela. Kgoliathe sera sa batho, se ka nneng sa hlolwa neng kapa neng. Thari e ntsho, mmakgonthe. Mantswe ana a phetaphetilwe ka makgetlo ho hlahisa maemo a monahano bathong ba batsho ka sena sebaka.
Mekgabiso thothokiso Phetapheto ya mantswe ho hokahanya moelelo. Meleng ya 1, 5, 6, 10, 14, 4, 12. Anastrofi o tiisa maemo ao a leng ho ona ho hlahisa lebaka la ho hloka bokgoni. Mmila phetolabitso sebakeng sa naha.
Mookotaba Thuto e tlisa lesedi maphelong a batho.
(b) (c) (d) (e) Sejura/kgefutsohare kolokisa mantswe mola 4 / toboketsa mohopolo Enjambament / mola o tswellang mola wa bobedi -lefilori le letshwana ebile le ntlafaditswe ka dishweshe. Hlaloso e tswella pele moleng o latelang.
Ha ho naha e ka orang letsatsi, ngwetsi e ka se kgone ho tsamaya e sa tena. Ka Sesotho ngwetsi e a hlompha. Ke ho hlalosa. Phetapheto ya moelelo meleng ya 7 le 8 seroki se bua ka tshireletso. Ha o tenne o iphumana o na le seriti, o futhumetse ebile o tshwana le ba bang. Ho toboketsa. Mothofatso moleng wa 14. Sefofane se tseba le ho ikotlolla. Moleng wa 6 lefatshe le orile letsatsi ho fumana mofuthu / ho ba tlasa tshireletso. E fuwe semolo sa motho.
Ha o futhumetse, o le tlasa tshireletso, o a phutoloha. Ha ho letho leo o le tshabang. Ha o sa phutholoha, o dula o hetla ka morao.
Lefatshe le ba le seriti ha ho le lefifi. Kgathe ha ho kganya tsohle di pepeneneng.
Ke tsebiso ya kamohelo ya tshireletso ya Lesotho.
Melao etswa naheng e fanang ka tshireletso. Moruo wa naha o ba ka tlasa naha e nngwe. Batho ba moo ba dula ba phuthulohile hoba tshireletso e matla. Matla a morena a fokotswa, e ba molebedi e seng morena.
O ne a sebetsa seka moeletsi wa morena, ebile a tsetleletse hore morena a kolobetswe.
Maburu a kgonne ho hapa karolo ya naha ya Basotho. Maburu a kgonne ho qobella Basotho hore ba tshele Mohokare ka setlankana. Basotho ba ne ba hlapaolwa feela: "batho ba hao ke mashodu" Naha ya Basotho e qetelletse e le tlasa baditjhaba e le ha ba leka ho qoba tello ya maburu. Seriti sa morena se ile sa nyenyefatswa, a sa hlomphiwe ka nepo. amohela dintlha tse nne ha feela di araba potso.
Mora wa morena e monyenyane o ile a ipha naha. Marenana a rera morena a bontsha ho se kgotsofale ka puso ya morena. Phoshodu a kena mmomoring le marenana kgahlanong le morena. Setso, kemedi e le dingaka tsa setso, sa nyenyefatswa ha morena a ne a se a sa hlomphe dikeletso tsa boKatse. Setjhaba sa phasalla, sa tlala naha. Le hoja naha e ne e se e le tlasa tshireletso ya Borithane, Makwanyane o ne a sa kgotsofala ho hong ke qeto ena.
O ne a se a tsofetse a le boemong ba lona lesea leo. Mmele o ne o se o fokola. O ne a se a se na matla a ho lwana ka dibetsa a mpa a lwana ya kelello. Le kelello e ne e se e kgathetse empa e ne e se ya lesea.
O ne a utlwisisa hantle se neng se bolelwa ke Mabille. Bothata e ne e le hore tumelo tsa bona di ne di sa tshwane. Moshweshwe o ne a tseba hantle hore le ba hae badimo ba mo kgotsofatsa. O hlolehile ho bona bonnete ba tumelo ena.
O fumanetse Basotho kgotso ebile o phetse bophelo ba hae ka botlalo.
Casalis o qobella morena ho saena a bile a mo tshosa ka le reng Maburu a matla ho feta Basotho. (a ka fana le ka lebaka la tshehetso ya borapolasi).
Manyesemane. Hobane Lesotho le ne le le tlasa tshireletso ya bona.
Baruti ba ne ba le pelotelele hobane ba ne ba batla ho bona ditabatabelo tsa bona di phethahala.
Basotho boholo ba ne ba sa tsebe ho bala kahoo mosebetsi o ne o le moholo. Hore ba tle ba tsebe ho thea ditsha tsa bona ka nepo ba ne ba batla tshehetso ya morena. Bahlabani ba ne ba ka nyopisa morero ka ho ba hlasela ka mehla. amohela karabo tse ding ha feela di araba potso.
Tshwantshiso Sethaleng Sethaleng e kgaolwa ka dipono le ditema. Kgaretene e sebedisetswa ho kgaola dikgaolo le ho re hlahisetsa tse hlahlamang. Bona ha se bothata hobane tshwantshiso e se ntse e kgaotswe ka dipono. Se ka etsahalang ke hore e lokilokiswe hore di seke tsa ba telele haholo, tshwantshiso ya tloha ya nka dihora tse ngata.
Dibapadi di bapalla sethaleng. Dibapadi tsa bohlokwa, tse tlisang molaetsa ha di ngata haholo. Diketsahalo tsa ntwa di hlahiswa ka ho phetwa e be mmohi o ba le setshwantsho sa se etsahetseng moo. Tshwantshiso ena e fana ka sebopeho se setle sa diketsahalo, ha feela ho ka fumanwa dibapadi tse nang le bokgoni ba ho hlahisa molaetsa ka nepo.
Mabone a sebedisetswa ho bontsha nako; bosiu le motsheare. Ka puo ho hlahisa tikoloho jk. Ho oma ha naha. Ha motho a lebelletse e mong, e be eo o tla a palame pere, ho sebediswa diqi tse hlahellang theiping, ho hlahisa modumo. Lebone le bohale le emela lehadima.
Puisano e totobatsa diketsahalo. Mmohi o fumana sesosa sa kgohlano. Mona Basotho ba tseka moedi wa bona, Mohokare. Ho ka ba boima ho tlisa noka kapa mehlape sethaleng empa puo ha e le boima, ho bonolo ho mmohi ho fumana setshwantsho sa noka ena. E boele e totobatse kgohlano.
Tokiso ya moo ho bapallwang. Ho bonolo ho thea sethala ho hlahisa kgotla, dikopano, ntlo jj. baithuti ba fane ka mehlala ho tshehetsa dintlha tsa bona.
Re lemoha hore Moshweshwe o tetebetse o mathateng boipuisong ba hae. Ho se ho senyehile naheng ya hae. Ha a tsebe hore kgotso e tla rena neng. O leka ka hohle ho tlisa kutlwano: o buisana le maburu empa ka mora nako ba kwenehele ditshepiso tsa bona; o buisana le matona le bara empa ka mora nako ba kene ntweng ntle le tumellano le yena; o sebedisa ba basweu ho mo thusa ho rarolla mathata a hae ka baka la ho se tsebe ho bala le ho ngola; o iphumana a sebetsa ditaba tsa hae ka mokgwa oo a sa o tlwaelang - ho se ho ngolwa diqeto dipampitshaneng, ho se ho tsamauwa ka ditlankana, naha e a honyela.
Bara ba iketsetsa boithatelo, ba hlasela ha yena a ntse a leka ho buisana le ba direng. Setjhaba se a fela ka baka la dintwa. Bana e se e le dikgutsana. Maburu le manyesemane ba hloka botshepehi. Dingaka di hloleha ho mo thusa ho rarolla mathata.
Mohlomi o ne a etelwe ke badimo, ba mmontsha leru le lefubedu. Setjhaba sa Basotho se tla ripitlwa c Ho hlahisa se etsahetseng pele badimo ba kgenne ka baka la kamano ya hae le Maburu d Bo senolo mefehelo ya mophethwa : Mohokare e ikentse sera ho yena.
e Bo totobatsa kgohlano Moedi wa naha ya setjhaba o ntse o honyela seka kgudu e honyetsa hlooho.
(b) (c) Maratahelele matswakotsi. Kgama ke motho ya ratang dintho tse sa mo tshwanelang: O batlang ho Sentebaleng athe o tla hloleha ho emela diqeto tsa hae Ha a tshohile o tlallwa ke naha, o leka ho araba empa o iphumana a felletswe ke mantswe. Le boi bo teng / O boi, o ile a kgakgathwa ke letswalo mmele wa thothomela kaofela, o tobane le ntho eo a sa e tsebeng?
O ne a hlokometse hore ba tshohile ebile ba babedi feela ka phaposing eo.
Ba ne ba sa batle hore ba tsejwe hore ba phela kae. Ba ipatela baahisane le hore batswadi ba se tsebe moo ba leng teng.
O ne a ratana le bahlankana ba bangata.
Mmae: o bulehile mahlo. A elellwa hore mora o ntse a mo thetsa. O sebeditse ka thata hore mora a fumane tjhelete ya ho ya sekolong. Kgama o hlolehile ho hlompha le ho ananela boitelo ba mmae.
Dibakiso: o bapetse ka lerato la hae, a mo kenyetsa mahlo a batho. O thabisitse batho bao ba neng ba le kgahlanong le kamano ena jk. Mmampholane, Titjhere jj. O hlolehile ho mo hlompha.
Rangwanae: o tshepisitse ntatae hore o tla mo hodisa ka nepo.O lekile empa Kgama a bapala ka tshepo eo a neng a e behile ho yena. Ho tla ba boima hore a phete a mo tshepe.
(b) Hore ngwana ya sa mameleng molao wa batswadi o qetella a bonwe ka leqeba phatleng. Hore ha re a tshwanela ho itaola hoba molao o thapisa mmele. Ha re a tshwanela ho ithera ntle le tumello ya batswadi.
(b) Kgama o qetelletse e le leqai - ntatae o kile a e bolela taba ena. O qetelletse a etsa mesebetsi ya botawa le ho tella.
Mahloko a thobalano a tshwaetsang. Bana ba o sa tsebeng bontata bona. Lematswa ke batho. Ho hloka seriti setjhabeng.
Kgohlano e ka hare Batswadi ba boSentebaleng le Kgama ba lala ba sa bo hlothe. Ka ho sa tsebe moo bana ba bona ba leng teng. Kgohlano ya tswelopele le setso e thefula bana. Tshotleho e ngongorehisa Mmakgama hore a kgwantlelle mora ho ya Sekolong. Dibakiso ha a tsebe moo a emeng le Kgama.
b Kgohlano e ka ntle. Tomase ntata Sentebaleng o ne a sa rate kgodiso le mekgwa ya Sentebaleng empa mmae a mo emela a re a tlohele ngwana. Ba dula ba qwaketsane ka mantswe. Ha boKgama ba lwana le Madiboho ba lwanela Dibakiso. Ha Kgama le Sentebaleng ba kgakgathwa ke batho.
Ka moo Sentebaleng a aparang ka teng ke mahlabisa ditlhong, o tena mese e mekgutshwanyane, mmele wa hae o a bonahaletsa. O ke ke be wa ba wa mo lebala le kgale. Ke ngwanana ya qolotsang mohlankana a inehele yena a sa emele hore mohlankana ebe yena ya etsang tseo. Re bona ha a hwesheletsa Kgama ka tsebeng a mo sunya leleme ka tsebeng, a mo hemela a ba a mo suna.
b Dibakiso O ile a bakisa banana ba Mohlakeng ha a ka a itshwara hampe ka morao hore a tsebe hore Kgama o se a ratana le Sentebaleng. A boela a bakisa Kgama ka ho se lwantshe Sentebaleng hore a kgaohane le Kgama. Ka morao ha Kgama a se a tswile dikotsi a boela ho Dibakiso. Dibakiso a mo bakisa a mo amohela hape ka matsoho a mabedi. A bakisa bao ba neng ba bua hahalo ha a thusa MmaKgama ho bokelletsa tjhelete ya ho ruta Kgama.
c Mafikeng Mafikeng e ne e hlile e le lefika la popota hantle, hlooho e ne e le thata a sa batle ho mamela ditlhahiso tsa batho ba bang. O ne a le manganga ha ho fihlwa nthong tsa setso. O ne a sa kgepholwe ke letho, o na le botsitso.
d Mofifi Ke sefate se moriti o maphodi o ne a phodile ka nako tsohle. O ne a mamela a utlwisisa ba buang le yena. O ne a hlokometse malapa ana ka bobedi e le kgoro e ntle.
<fn>11112VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo.
Karolo A ke dithothokiso, B ke tshwantshiso, athe C ke pale.
Karolo A e na le potso tse pedi. Potso 1 e mabapi le thothokiso e sa ballwang mosebetsing o hlahisitsweng ha selemo se qala. O tlamehile ho araba potso ena.
Potsong ya 2 ho botsitswe thothokiso tse nne. Araba tse PEDI feela.
Karolo B le C di na le potso tse pedi. Araba potso e le nngwe feela, e leng ya mofuta wa tse kgutshwanyane kapa ya moqoqo.
O tlamehile ho araba potso ena.
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso.
Di ke ke tsa wela fatshe.
Ha ho ya thehang tsebe.
Di ke ke tsa wela fatshe.
Hlakisa hore ho sebedisitswe tlohelo temeng ya pele. Qaqisalebohlokwa ba tlohelo ena thothokisong?
Basotho le bosotho ke mofuta ofe wa phetapheto?
Hlakisa mofuta wa karaburetso o fuperweng meleng e meraro ya pele, o be o totobatse le bohlokwa ba yona.
Bolela hore na ebe ke eng ha ho se na letshwao la ho bala pakeng tsa mola wa bohlano le wa ho qetela temeng ya pele.
Lentswe lla lena le botemengata (meeleloe mmedi kapa hofeta). Sethothokisi mona se bolelang ka lentswe lena lla?
Dipotsong tse nne tse latelang kgetha tse PEDI feela mme o arabe tsona.
Empa joo, motho a tla hlotsa enwa!
Lebala lona athe ha se bosehlana na?
Homme tshosobano ya sefahleho na?
Ka mantswe a hao, hlalosa seo o se utlwisisang moleng wa 12 ho isa ho wa 15.
Fana ka dinomoro tsa mela moo sethothokisi se sebedisitseng mela e tswellang/enjambamente.
Qolla mela moo ho sebeditsweng lehlaso o be o bolele hore le sebedisitswe ka sepheo sefe?
ho apara diaparo tse ngata Fumana lentswe le nang le moelelo o le mong le: temeng ya bobedi.
jele jele Sethothokisi se sebedisitse lentswe - lekgohledi moleng wa 14.
ho hlaha difate ho sebedisitswe sekapuo sefe le mofuta ofe wa karaburetso?
Ngola ka mantswe a hao molaetsa wa sethothokisi jwalo ka ha o hlaha temeng ya bobedi.
Fana ka mola moo sethothokisi se sebedisitseng lebotsi.
Lailai! Mello e mmedi lerallaneng, Le okametswe ke moru o motsho tsho! Mafahla ke ha a ne a hlwella thaba, Ha thwe butleng, emang hona moo, Le be lebone hareng ba thaba ena, Ho lefifi le moru o a tshabeha, E sa le mafahla eso a eme moo.
Homme a kgabisitse na mafahla ana, Thaba botle ba yona e bo kga mona, Kananelo ke teboho e hlahiswang, Ho fana ka tshireletso le paballo, Ka hohle mohaho o dikile mafahla, Kobo e a apesitse ho phema kotsi, Kobontle ya ho apolwa e apeswe.
Di kgolo tse utollwang ke mafahla , A tseba kweetsa botebong ba thabahadi, A epe tse bodibeng a di phatlalatse, Jwale bohle re senolelwe diphiri Utlwa re itseba re re ditaba di mahlong, Teng re bale mohau le bonokwane, Boloi le bokweta di phatlalatswe.
Tshebedisano le tataisano Ke mokgwa o motle wa mafahla Pshatla le leng o tlo bone tsietsi, O bone ha mosebetsi o sa phethahatswe, Lesotho e le tshenolo ya bafokodi, O reng ha o re le ka kgutlisetswa Le letho le kgale le hlotse balopi?
2.2.3 2.2.4 MafahlaSehlooho sa thothokiso ena ke Mafahla. ao ho buuwang ka ona moo ke afe Karaburetso e fumanwang thothokisong ena ke ya mofuta ofe Tshehetsa karabo ya hao ka ho qolla mola. Moleng o thalletsweng ho sebedisitswe leetsisa. Bolela sepheo sa ho sebedisa mokgabisopuo ona thothokisong. Lentswe lena kweetsa moleng wa 16 le bolelang?
Kobontle ya ho apolwa e apeswa. Ho sebedisitswe mokgabiso ofe wa puo/sekapuo Moleng wa 19 sethothokisi se sebedisitse puo e sa tlwaelehang. Fana ka tlhaloso ya yona o be o bolele hore e amana jwang le molaetsa wa thothokiso.
Hobaneng ho sebedisitswe lebotsi moleng wa 27?
Moleng wa bone ho na le kgefutsohare (sejura). sepheo sefe Bala ditemana tse latelang o nto araba dipotso?
Lefitori la ngwetsi Ya apara ngwetsi ho supa tlhompho, E hlompha ka lefitori le letshwanahadi Le ntlafaditsweng ke dishweshwehadi, BoMphatlalatsane, Selemela ka boKgwedi, Ho le kgabisa ka bophatshwana ba lona. Lefatshe le ora tshireletso ya lefitori, Le le apesa ho kupetswe bofeela ba lona, Ngwetsi e ne e ka tsamaya jwang e le feela Ha o bone lefatshe le le boimanyana, Moo bosiyong ba lefitori le leng bobebe. Boholo ba lefitori ke bo tshabehang, Ha le apesa ditloholo tsohle tsa lefatshe, Kajeno motho o bona le leino la sefofafane, Se tseba le ho ikotlolla se sa qamake, Athe bosiyong ba lefitori ha se bonwe?
Sekgoba ona motsotso o se hlahile thuso, Ao! Ke neng nako e ne eka e ikemetse, Jwale se bone ka lefitori hore e ile, Se sa tla bo kga, se lebale ditshotlheho, Ho neng se nyolosa se theosa ho se thuso. Le mora phokojwe o hlabisitswe o motlotlo, Motsheare ohle lelana le ntse le ipeha, Leihlo le ntse le mo kwentsha mathe kgafetsa, Empa jwale o tseba ho tsoma kgotso e hlahe, Le mo apesitse lefitori, ha a bonwe. Tshohle di thabetse ho kgatholoha Ho tliswang ke lefitori le lephatshwana, Sello se mpa se hlaha ho mora sehwai, Mosebetsi o ne a hlophisitse o mongata, A se tsebe ha lefitori le kgaola nako. Lefitori le phuta bohlaswa ba ngwetsi, Athe le thabisa difofane le dikgoba, Dihlokaboya di fumana ho ka sirela, Bohlaswa le bofeela bo apolwa ke letsatsi, Botle le bobe qoleng ya lefitori la ngwetsi.
Hlahisa bonono ba seroki ka ho hlakisa tse latelang o be o fane ka sepheo sa ho sebedisa matshwao ana a bothothokisi.
Itekele, itekele hape Thuto ke ena, e apese tlhokomelo, Itekele, itekele hape, Moqhaka o o hlotse la pele, Itekele, itekele hape. Sebete se ke se kgutlele ho wena, Hoba mamello le pheello Di ka o hapisa moqhaka, Itekele, Itekele hape.
Itekele, itekele hape. Tshotleho ha se ditlhong lemanyofonyofo, Le holane lebelo re sa ikgapele, Maemong ana, o itlama kang na Itekele, itekele hape?
Thomo e letlapahadi, mohloka ho thetwa, Itekele, itekele hape, Nako e tla o atametsa moqhakeng, Itekele, itekele hape.
Tseo bongata bo ntseng bo di phetha, Ho di phetha wena o ka sitwa keng Ka mamello le tshepo, boloka taelo: Itekele, itekele hape?
(b) (c) (d) (e) Mekgabisopuo. Lehlaso. Mola wa thothokiso. Mookotaba. Maele.
Araba potso 3.1 kapa 3.2.
Bala diqotso ebe o araba dipotso tse botsitsweng.
Boshof: Kajeno re kopane mona re le baetapele ba dinaha tse ahisaneng. Re arotswe ke moedi ka botjhabela ho rona le lona ke moedi ka borwa le ka bophirimela. Moshweshwe re a o amohela. Ha re tloha mona re tsamaye re tshohlile ditaba ka botlalo mme bohle re kgotsofetse. Moshweshwe ke se ke utlwetse ka wena, o a hlompheha, mme ke rata ha re ka sebedisana ntle le ntwa.
Moshweshwe: Ke thabela puo ya hao Boshofo. Lentswe ka leng leo o le buileng ke tla le hopola hantle. Ke tshepa hore o tla dumellana le nna ha ke re re bua re le banna, dithaka. E mong le e mong o buella naha ya hae. Ya ka naha e simolla Lekwa e yo tjho Senqu, e qale Maloting e yo wela kwana bophirimela;ke hore ke bolela moo bontataomoholo ba fumaneng ho ena le Basotho teng. O ka di bitsa dibaka tsa Lesotho, boMaokeng, Mmasilo, Makeleketla, Mangaung ho ya boMmaletswai mona moo re dutseng teng.
Boshof: Ke utlwa ke makalla boitshepi boo o nang le bona. Ho bolelang hore ke wena ya hlohleletsang Basotho ba hao ho re senyetsa, ho utswa mehlape ya rona.
Moshweshwe: Boshodu ha esale ke bo nyonya ho tloha bonyaneng ba ka. Ha ke utlwisise hore ha se ke taba moriri tjee ebe jwale nka kgothaletsa mang ka bobe.
Boshof: Ke utlwile ba bolela ka boqitolo ba hao, kajeno ke bo utlwile. O kgeleke ha o bua, feela o sitwa ho kgalema setjhaba sa hao. Boshodu bo ka se fele ha mashodu a sa otlwe!
Moshweshwe: Lerumo la molomo le bohloko. Banna ba heso ha re tsamayeng. Ha re yeng, le sa duletseng! Boshof, re tla buisana ka mangolo!
Boshof: Ke a makala ruri hore o halefe hakana. Ke ne ke mpa ke hlahisa maikutlo a ka ho thibela kgohlano maharenga Basotho le Maburu.
Moshweshwe: O hlokomele taba e le nngwe Boshofo, nke ke kaitlama hore ho ka se be le boshodu hape, mashodu ha a kea mpolelle ha a ilo utswake jele dijo tsa lona hona jwale, ho bobebe hore nka di hlatsa, empa ho boima hore nka hlatsisa mashodu tseo ba di utswitseng... Ha re yeng banna, ke kgathetse jwale. Naha ke ya Basotho!
Puong ya hae Boshof o bolela ka moo a thabileng ka teng ho kopana le Moshweshwe eo ba kopanetseng meedi le yena. Ka dintlha tse PEDI a ko hlalose boitshwaro ba Boshof qotsong ena.
Ha re tloha mona re tsamaye re tshohlile ditaba ka botlalo. Hantlentle se tsekwang ke batho baa ke sefe?
Takatso eo morena Moshweshwe a neng a e labalabela haholo ke efe bakeng sa naha le setjhaba sa hae?
Boitshepi boo Boshof a bo makallang ba Moshweshwe ke bofe, mme o bontsha makalo eo ka mantswe afe?
Lerumo la molomo le bohlokoMoshweshwe o bolelang ha a re:.
Ho tswa qotsong Boshof o bua ka ho thibela kgohlano mahareng a Basotho le Maburu. Bohlokwa ba yona ke bofe tshwantshisong?
Hlahisa maikutlo a Moshweshwe puisanong ya hae le Boshof.
Makwanyane: Ha re swaa fatshe Ha e lale! Tsie lala! Setjhaba sa Lepoqo ha se kgutse hle!
Makwanyane: Setjhaba sa hoa Bana ba Thesele. Thesele e tsamaya e theselaka!Kajeno re kopane ho tla mamela morena e moholo, mora Mokgatjhane, morena Moshweshwe.
Makwanyane: Re tla kopa morena ho hlahisa lentswe haholo ha naha e se e fokotseha tjena.
Moshweshwe: Setjhaba sa dumaela Bana ba thari e ntsho. Sello sa lona kese utlwile; molaetsa leona ke o fumane o tswa ho Boranta. Boranta o re pele Pudungwana e fela ho be ho se Mosotho le a mong ka nqane ho mohokare. () Ha e hate ka marobutleng bana ba kwena sehahaba bodibeng. Le nna ke qakehile ho utlwa mantswe a tshosang seka ao... Boranta o a re nyatsa, Boranta o e lata letailana.O nahana hore le tla phutha neneng...athe masimo ona a tla kotulwa neneng...
Setjhaba: Ha re falle! Ha re falle! Ke naha ya rona eo!
Moshweshwe: Mehoo ha e thuse letho, ntwa e a senya. Tlohelang tsohle matsohong a ka ketla le tlisetsa kgotso!
Molapo: Ha ho moo re yang! Naha yarona e ke ke ya hatjwa re ntse re shebile, re...
Mopedi: ho molemo ho shwella naha ya hao, ho na le ho lelekwa seka ntja e qatile mohatla, mme re phele ka bokgoba...
Molapo: Moshweshwe..ha eba o batla ho re rekisa hore re be makgobadumela hore re lwane, re e hlanake senna, ho kgaohe moo ho kgwehlang teng, mme re hlolwe ha eba re hlolwa. Ke hona re ka bang makgoba.
Mopedi: Re lefise lekgetho, re amohe dikgomo, dinku, re amohetse tsohleempa hore re be makgoba a Maburu, setsweng ke hole!
Makwanyane: (Moshweshwe a tsitsinya hlooho a hana) Banna, nna ke kgathetse ke dipuo, dipuo! Ha re teeleng Makeleketla le Thaba Ntsho hare. Re ripitle ho sale masupi, ntja e shwe le monga yona.
Bana ba Thesele. Thesele e tsamaya e theselaka! Mona ho reneketswa bomang?
Morena Moshweshwe o ile a nka qeto ya ho etsa kopo ho mofumahadi hore Lesotho le be tlasa taolo ya Borithani. Sepheo sa ketso ee ke sefe?
Ditshoso tseo Boranta a di entseng ho Basotho ha ba ka ba dumellana le tsona. Maikutlo a setjhaba, Makwanyane le bara ba morena Molapo le Mopedi e bile afe mabapi le ntlha ee. Qolla ntlha tse THARO.
Ho fihla ha ba basweu naheng ya Lesotho ho bile le ditholwana tse bosula ka ho baka mathata bophelong ba Basotho. Fana ka ntlha tse PEDI ho hlakisa sena.
Ha o bona Makwanyane qotsong mona ke motho ya ka rarollang taba tsa Boranta Hobaneng ha o realo?
Bontsha ka moo mongodi a re hlahisetsang botho kapa semelo, kgolo le seabo sa dibapadi tse latelang ho ntshetsa terama pele.
Kgohlano ke yona tshiya ya terama.
3.3.3 Qaleho ya kgohlano Sehlohlolo sa kgohlano Tharollo le phethelo.
O botsitswe potso tse Pedi. Araba e le nngwe feela.
POTSO 4 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Bala diqotso ebe o araba dipotso tse botsitsweng.
Matsatsinyana ka mora hore Kgama a phonyohuwe ke Dibakiso ka tsela ena, a imamella ho boela a mo lata hape. Lerato la hae ho ngwanana enwa le ne le ntse le tota hanyane ka hanyane. O ne a se a bile a kenetswe ke mokgwawa holora a ntse a mo fereha. Ruri ho ne ho se ho fihlile moo lerato le mo tjhesang, le mo besang methapo ya pelo hoo le etsang hore a ngongorehele hore Dibakiso a mpe a mo amohele ka pelo ya hae. O ne a kile a bolella kgaitsedi ya hae, Dipuo, ka ho kekela hona ha lerato kahare ho yena, mme eo a bontshitseboikemisetso bo matlabaho mo thusa ho tshwasa Dibakiso. Empa jwale o ne a sa rate ho hang ha Dipuo a ne a ka kena taba enaa tshoha hore botlaila bo ne bo kanna ba hlaha katamelanong ya bona, etswe o ne atseba hore dikamano tsa banana mokgwatsona di tsamaya di bata, di tjhesa-mohlomong Dipuo o ne a ka nna a ya buisana le Dibakiso nakong eo ba sa yeng mmoho hantle, ebe ditaba ha di tsamaye hantle.
E ne e se feela Kgama a neng a nkehile ke sefefo sena sa lerato; e ne e le la pele, ka botoma, kasefuthu, le ka lekgetlo; le ne le le hlaha, lene le sa thapiswake boikaketsi bo kgemang le dikgabiso tse adimilweng mose ho mawatle, tsa mmamphediphedi, tseo ereng ngwanana ha a di hloka ebe ha a bonwe botle; le ne le le mading a hae, le ile la mo fihlela Dibakiso a le boyeneng, a hlaheletse ka tsela ya bosetjhaba; o ne a mo kgahla a le tshobotsing ya makgonthe.
Kgolong ya hae Dibakiso ho bontsha hantle hore ke ngwana ya holelang moetlong, ha a kwenehele ditshepiso tsa hae ho Kgama. Leratong la bona o teana le mathata. Fana ka a MARAROfeela.
Ebe ha o bona mathata ana a tiisitse lerato la batho bana na Hlalosa?
Kgama o itshupa e le ngwana ya jwang ha a bapiswa le Theko kgolong ya bona?
Yaba Tomase o qala ka ho re,"Bana beso ditaba tse etsahetseng ke tse bohloko, mmetse re swabisang re lebatswadi ba banabana. Le jwale kene nka rata ha di hlaloswa ke Sentebaleng, hoja o teng lapeng mona, haa a ya sepetlele ka lebaka la leihlo la hae le tswileng. Bosiung bo etellang letsatsila maobane pele, moradi wa ka ya bitswangSentebaleng o kene mona a tshabeha ke madi le mekgwabo a hlalosa hore o siile Kgama a ntse a kgakgathwake dikebekwa moo ba neng ba se ba itulela teng, e le ha bona. Yare ha re utlwa tsena, nna ka lebaka la ho tseba sebaka, ka re moena re hle re phallele teng ha MmaSentebaleng yena a sala a ntse a thusa moradi. Re fetse ra tsamaya ra ba ra ya fihla moo; ra mo fumana a rapalletse hara letamo la madi! Yaba re qalella ho phopholetsa moo re neng re ka thola koloi ya ho mo nka". MmaKgama a itshela ka dikgapha; a lla seboko sa mahlomola. Ha eba thata ho yena ho tswela pele ho mamella tlhaloso ya Tomase.
Bophelo ba baphetwa bana ba babedi ba hlahellang ho 4.1.4 bo ne bo hlile bo sa kgotsofatse ho hang ho ya ka kgodiso ya ngwana Mosotho. Fana ka ketso tse THARO tse dumellanang le polelo ena.
Mafikeng ke motho ya neng a boulela boleng ba Basotho, ebile a le kgahlanong le ho kenya bana sekolo. A ko hlalose ka moo maikutlo a hae a tsamaelanang le diketso tse mpe tsa boKgama.
MmaKgama a itshela ka dikgapha Hlalosa se bolelwang ka polelo ena:.
Hlahisa dintlha tse HLANO, tse hlakisang ka moo semelo (botho) se sebe sa Sentebaleng se hlahang ka teng paleng ena.
kgohlano Mookotaba wa pale ena ke kgohlano pakeng tsa thuto ya sejwalejwale le ya setso.
4.2.3 Bophelo lapeng la Mafikeng le Mofifi. Kgolo ya Kgama le Theko. Titjhere Paulose le mohlahlobi wa dikolo.
<fn>11112VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo.
Karolo A ke Dithothokiso, B ke Pale, athe C ke Tshwantshiso.
Karolo e nngwe le e nngwe e na le ditaelo tsa yona ; leka ho di badisisa ka ho phethahala.
Karolo A e na le potso tse PEDI. Potso 1 e mabapi le thothokiso e sa ballwang mosebetsi o hlahisitsweng ha selemo se qala. O tlamehile ho araba potso ena.
Potsong ya 2 ho botsitswe thothokiso tse nne. Araba tse PEDI feela.
Karolo B e na le potso tse pedi. Araba potso e le NNGWE feela, e leng ya mofuta wa tse kgutshwane kapa mofuta wa moqoqo.
Karolo C e na le potso tse pedi. Araba potso e le NNGWE feela, e leng ya mofuta wa tse kgutshwane kapa moqoqo.
Ha o arabile ya mofuta wa moqoqo ho karolo ya B ; araba ya mofuta wa tse kgutshwanyane karolong ya C, kapa ha o arabile mofuta wa tse kgutshwanyane ho karolo ya B, araba ya mofuta wa moqoqo ho karolo ya C.
DITHOTHOKISO POTSO 1 O tlamehile ho araba potso ena.
Bala ditemana tse latelang e be o araba dipotso tse botsitsweng.
Phapang ya eba teng, Bakeng sa kgotso ha kupa ntwa, Ha shwa ngwana ha shwa motswadi, Ha shwa katse ha shwa kgomo, Makgolokwe a ehlanaka a tjhetjha, A tjhetjha, a ba a tjhetjha.
Maburu a ba seohela, Pote! Ba sirela ka thaba ya Monontsha, Tjhobe! Ba kena ka lehaheng, Phetho!
Fana ka phetapheto ya mantswe e hlahellang temeng ya pele.
Temeng ya bobedi seroki se sebedisitse sekapuo sefe Hlalosa?
Hobanengseroki se sebedisitse maetsisi meleng ya 14 ho isa ho16?
Ho kgola phalo.
Ho shwa lebuba.
O botsitswe dithothokiso tse nne. Araba potso tse PEDI feela. Tlhaka ya Basotho - P.T.K.P.
Itekele, itekele hape.
Sebete se ke se kgutlele ho wena.
Itekele, itekele hape.
Feela itekele, itekele hape.
Maemong ana, o itlama kang na?
Itekele, itekele hape.
Thothokiso ee ke ya mofuta ofe Bolela hore hobaneng ha o realo?
Ho na le mela e tshwanang ebile e ipheta kgafetsa, Mokgabisothothokiso ona o bitswang, ebile lebaka la ho o sebedisa ke lefe?
tshotleho ha se ditlhong le manyofonyofoSeroki se bolelang ka: . Karabo ya hao e itshetlehe hodima hisitori ya MaAfrika Borwa.
Bala thothokiso ena ebe o araba dipotso tse latelang.
Motsamai, isa mahlo naheng o bone, O bone ha naha e ikgabetse, E kgabile kang e se matekwane Ana ke a molemo, a phedisang?
Ke la heso leo la matekwane, Na ha se ka lebitso matekwaneng Ke ka lona e se ka diketso, Ke a o rata, o kgabile ka diketso?
Joo, botle ba maralla a o dikileng, Tsona diphula tseo tse alehileng, Dikgohlo di a phatsima ke jwang, Baholo ba re sietse kgubung.
Naha Ntate, o lebitsoleholo, Ka ho medisa palesa e kgolo; Thuto ke yona palesa ya hao, Ka yona re fumana melemo ya hao.
Fana ka karaburetso e hlahellang temeng ya 1 le 3; o boele o e hlalose ka botlalo.
Ke lentswe lefe leo seroki se le sebedisitseng e le phetolabitso / seemela?
Qotsa lentswe moo ho sebedisitsweng tlohelo. Hobaneng o re ke tlohelo?
Fana ka mela moo ho hlahellang lebotsi o be o fane ka sepheo sa ho le sebedisa meleng eo.
Phetapheto e hlahella meleng efe, temeng ya bone Ke ya mofuta ofe?
Lefitori la ngwetsi Ya apara ngwetsi ho supa tlhompho, E hlompha ka lefitori le letshwanahadi Le ntlafaditsweng ke dishweshwehadi, BoMphatlalatsane, Selemela ka bokgwedi, Ho le kgabisa ka bophatshwana ba lona. Lefatshe le ora tshireletso ya lefitori, Le le apesa ho kupetswe bofeela ba lona, Ngwetsi e ne e ka tsamaya jwang e le feela Ha o bone lefatshe le le boimanyana, Moo bosiyong ba lefitori le leng bobebe. Boholo ba lefitori ke bo tshabehang, Ha le apesa ditloholo tsohle tsa lefatshe, Kajeno motho o bona le leino la sefofane, Se tseba le ho ikotlolla se sa qamake, Athe bosiyong ba lefitori ha se bonwe?
2.3.3 Fana ka sepheo sa ho sebedisa mekgabo ya thothokiso e latelang, o be o qolle mela eo e sebedisitsweng ho yona. (a) Sejura. (b) Enjambament / mola o tswellang. (c) Lebotsi. (d) Phetapheto ya moelelo. (e) Mothofatso. A ko re qaqa hanyenyane ka seo o se utlwisisang ka seratswana sa boraro. Hlalosa hore seroki se bolelang ka: (a) Lefatshe le le boimanyana. (b) ho ikotlolla se sa qamake.
Bala melathothokiso o nto araba dipotso tse e latelang.
J.P Mohapeloa, Sebata Jwale ke tatile ke matasatasa, Nka nka eng ke e tswake le eng Ho leboha wena Mohapeloa, sefonthwane O rakelello e tletseng melodi, Ke kgahlwa ke makodilo a hao, Ka tlallwa ke melodi, bodutu ba swaba, Ke theile tsebe e lethwethwe, sebata, Ke sekehetse kelello ya hao tsebe, E otla tebong sa pelo ya noto, Wa nkgopotsa tsa moya wa leboya, Wa kgwedi tsa boPhupu le boPhuptjane, Ha o re moshanyana se llele ho disa, Jwale ka ananela ka ja monate, Ke tlohetse lepotlapotla keletsong eo, Etswe lepotlapotla le ja podi?
2.4.3 MATSHWAO A KAROLO YA A: Qoqa ka dibetsa tsena tse latelang tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong e ka hodimo. (a) Mola wa thothokiso Kgefutsohare Phetapheto Molatswelli (b) Kgetho ya mantswe Mantswemakgohledi Tlohelo Phetapheto Kgokahanyo ya dipolelo Mookotaba wa thothokiso.
Karolong ena o botsitswe dipotso tse pedi; kgetha potso e le NNGWE feela mme o arabe yona. Ha o araba ya moqoqo ho karolo ya B, o tla araba e kgutshwanyane ho karolo ya C. Kapa ha o araba e khutshwanyanehokarolo ya B, o tla araba ya moqoqo ho karolo ya C.
Leru le Lefubedu - T.W.D.
Bala seratswana ebe o araba dipotso tse tla latela.
Makwanyane: Moshweshwe: Tsie lala! Tsie lala bana ba Thesele! Re kopa kgutso morena Moshweshwe ha a adingwe ditsebe Setjhaba sa. Mokgatjhane, bana ba Thari e ntsho, bana ba kgotso. E se e le nako jwale ke Ngongorehile, empa ke bua ke thabile hore nka qalella ho robala ha monate. Ka dinako tsa mahlonoko ke ne ke tshwenyehile moyeng ke tlallane, ke ne ke lala ke shebile bosiu bohle, ke sa bo hlothe. Jwale re phekotse ntwa, ho busa kgotso, ho busa nala. (Setjhaba sa hoa, sa mo hlaba ka ditlatse) Setjhaba sa ntate ke nako jwale ya hore re itekole. Re tlohile Botha Bothe ra tla mona Thaba bosiu re kgannwa ke ho batla kgotso. Re phetse ka dilemo mona naheng ya rona, e ho na le methwaela ya dintwa mona le mane. Re ne re di fiela seka lehlwa ha le qhibidiha dithabeng. Ha mmila o ntse o puta ha fihla leru le Lefubedu la aparela naha. Kajeno re hasane hohle masimo a hloka balemi, re baphaphathehi naheng ya rona, re fetotswe mekopakopa masimong a rona. Moedi o se o matha pela mabala o rona mona. Pele letsatsi le ne le tjhaba botjhabela le dikela bophirimela. Kajeno ho jwang Re le bona ha le le hloohong tsa mengala feela. Nna jwalo ka ntata lona ke re re batleng kgotso e tla phedisa bana ba rona?
Ho bolelwang ka bana ba Thesela?
Bontsha phapang ya botho pakeng tsa Makwanyane le Moshweshwe. Fana ka ntlha tse THARO.
Qolla diketsahalo tse PEDI tse neng di bontsha hore Basotho e ne e le batho ba ratang ntwa.
Ho hloka kgotso moyeng ho neng ho bonahala ho Moshweshwe ho ne ho bakwa ke eng Fana ka dintlha tse NNE?
Ha morena a ne a re Basotho ba ipatlele kgotso, o ne a se a nahanneng?
Hobaneng tumellano ya boCasalis e hlolehile ho tlisa kgotso Lesotho?
a b c d Moshweshwe ha a adingwe ditsebe. Ha mmila o ntse o puta. Ha le le hloohong tsa mengala. Ho hlaba ditlatse.
Re baphaphathehi naheng ya rona. Qoqa ka kgatikelo ya ditokelo tsa botho e bakileng ketso ena, o be o bolele hore e atisa ho ba le ditholwana dife?
Ho ya ka tjhebo ya hao, ha morena a ne a dumetse ho kolobetswa, ho ne ho tla etsahala eng ka setjhaba sa Basotho?
Ke Thaba Bosiu ha Moshweshwe, mme o tswa ka tlong ho kgahlanyetsa Masopha le Sekgonyana. Moshweshwe a bua a le mong.
Moshweshwe: Mona lefatsheng ntho e kgolo ke tebello re robala re lebelletse hore tsaka moso etla ba tse monate. Ka mohlomong ho be jwalo ka mohlomongho se phethahale jwalo. Ee, Mohlomi o ne a etelwe ke badimo, ba mmontshaleru le lefubedu la lerole le tlang ho hlaha ka botjhabela, le nohang ho tla ha ditjhabana tse matla, tse ratang ntwa. Ee, kgotso re a e batla, empasetjhaba sa Basotho se senyenyane ha kale setla qhalanngwa sekamohodi ha o apoha letsatsing la hoseng; se tla tlatlapuwa mme se futsanehe; tlala e tla solla le diphula, maralla le metsana. Ka lebaka la tlala, bontate ba tla ja bana ba bona, metswalle e tsohelane matla, bana ba motho ba hloyane, mme bara ba bolaye bontatabona.
Boipuiso ke karolo e nngwe ya bohlokwa sengolweng, sa rona, e leng tshwantshisong. A ko fane ka ntlha tse HLANO tsa bohlokwa tsa boipuiso o qotsa diketsahalo seratswaneng. Di nyallane le ntlha e nngwe le e nngwe eo o e bolelang.
Hlahisa semelo sa Morena Moshweshwe ka botlalo.
O botsitswe potso tse PEDI; araba e le NNGWE feela. O se ke wa lebala ditaelo tsa ho kgetha dipotso.
Bala ditaba tse latelang hore otle o tsebe ho araba dipotsotsetla latela.
Ho tloha mona ha ikakgelwaboitokisetsong ba nako ena yabohlokwa, ya ho ruta bana. Mmakgama le Mmatheko ba ikopanya sesadi mme ba etsa makgobonthithi a ho thusa banna babona ho rekela bana diphahlo. Ho ne ho hlokahala dintho tse ngata ruri, ka ha nakokgolo eo kapeso e kgethehileng ya bana e nee ntsee beheletswe ka thoko. (Ngwananyana ha a ne a ena le mesenyana e meraro feela, moshanyana a ena le kobo le tsheha, e ne e ye ebe ho nepahetse, dintho di itsamaela hantle.) Bothatanyana bona ba kapeso, mmoho le a mang, ha bo ipetsa ba phakisa ba thetla boikemisetso ba motho ka mong tlhopisetsong ena ya bokamoso ba bana. Ho temeka ha mangole a Mafikeng hodima morero ona ha be hose ho itotobatsa mme ho mo tshekela ka thoko ho ba bang. Lekgonono lahae malebana le morero onala hla la qaqa ha a phehella ho lla ka ho re jwale ba senyehelwa ke tjhelete ka lebaka la ntho e seng bohlokwahakaalo. Kamoo, Mofifi le Mmakgama le Mmatheko ba be baseba rera ho mo behella kathoko ditlhokong tseo ba kgonangho di kwala ba le bang; ba re ba tswafa ho nna ba dubadubana le yena, e se re a tenehe ho feta.
Na boitokisetso boo ho buuwang ka bona moo, bo ile ba tlisa katleho eo batho bana ba neng ba e lebelletse Fana ka ntlha ngwaneng ka mong?
Bontsha kgethollo e hlahellang kapesong le thutong ya bashanyana le banana. O be o bolele hore ho supang bophelong ba bona.
Qoqa ka dikamano pakeng tsa Mafikeng le batho ba latelang, mme o be o bolele hore hobaneng boitshwaro bona ba hae bo ne bo sa amohelehe.
Hlahisa botho ba Mofifi o ipapisitse le seabo sa hae kgodisong ya bana.
Dikolo ha di bulwa, Kgama le Theko ba boela ba qalella ho ya sekolong ka ho fapanya matsatsi. Ba ne ba tseba taba ya hootlwa ha Madiboho e ne e iphelle feela, ka ha ho yaka tlwaelo ditaba tsa naheng di ne di fella teng; hape ho neho sa kahaeba le lerataka mora ketsahalo eo. Athe Mmampholane o ne a di tsebile, le hona ka tsela esele: o ne a tseba Kgama le Theko ba ne ba ile ba dika Madiboho, ba mo kgakgathela molamu wa hae.
Mohlomong o ne a tenne a di tsebile jwalo ka lebaka la ho rata ho bua ka bona moo a leng hona teng; kapa ebe o ne a di utlwile ho e mong wa lelapa labo Madiboho, ka hae nee le motswalle e moholo wa mmangwana moshanyana eo. Empa he ho ne ho se motho le ya mong ya neng a ka nahana hore kamanonyana e kaalonyana ya hae le lelapa labo Madiboho e ka mema manokotho amona leboloi ba hae. Yaba o emela mohlang ba mo foseditseng.
Hobaneng ha Kgama le Theko ba ne ba fapanyetsana ka ho ya sekolong?
Ketso e hlahellang ka hodimo e ile ya ama boiteko ba Theko ba ho kena sekolo jwang?
Ketso ya Mmampholane ya boiphetetso e ile ya thusa ntshetsopele ya poloto ka tsela efe Fana ka ntlha tse THARO?
Ho totobetse hore Mafikeng ke lefika la popota ha ho fihlwa tabeng tsa setso. A ko bontshe o itshetlehile ka tse latelang.
a Mekgwa le meetlo.
b Tsa lepato la hae.
Mongodi o atlehile ho reheng baphetwa mabitso ho ya ka diketso tsa bona.
A ko totobatse ho ya ka mabitso a hlahlamang.
<fn>11112VQS2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo.
Karolo A ke dithothokiso, B ke tshwantshiso, athe C ke pale.
Karolo A e na le potso tse PEDI. Potso 1 e mabapi le thothokiso e sa ballwang mosebetsing o hlahisitsweng ha selemo se qala. O tlamehile ho araba potso ena.
Potsong ya 2 ho botsitswe thothokiso tse nne. Araba tse PEDI feela.
Karolo B le C di na le potso tse pedi. Araba potso e le nngwe feela, e leng ya mofuta wa tse kgutshwanyane kapa ya moqoqo.
DITHOTHOKISO POTSO 1 O tlamehile ho araba potso ena.
Lefu ke ntho e jwang banna Kgeleke di lekile ho le hlalosa; Le hana batho ba itjella manna; Le ikgethela wa lona ho mo orosa?
Le ikakgela ka setotswana ho qhala merero, Hona ha ho thenthetswa le a nyonya; Le thonya moruti a so qete le thero, Le mo kgoqola le befile, le bile le kgonya.
Tsenene tsa lefu ho nyanyabetsa! Di hlaba pelo ya mofo le morena; Ha le natse le ha ke le sehwai, ke sebetsa, Le shobedisa nna, le kwekwetle wena.
Lefu le hana motho e le pabala, Le mo harola sa tau ya motswetswe; Ha le boulelle sowana ba semomotela, Le se amoha tlokola se e rwetse.
Lefu, ha o senatla, ntshunyakgare, Mohla o fanyehwang, ruri ke tla thenthetsa; Etswe nna ha ke a utlwa ka bobare Hore nako tsa hao di ntse di atametsa.
Kgapha tsa ka - K.P.D.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Moleng wa pele ho sebedisitswe lebotsi, lona le sebedisitswe ka sepheo sefe?
Kgefutsohare e sebedisitswe moleng ofe Fana ka o le mong. Sepheo sa tshebediso eo ke sefe?
Sekapuo se sebedisitsweng moleng wa 6 ke sefe Se sebedisitswe ka sepheo sefe?
Hobaneng ha sethothokisi se re tsenene tsa lefu di hlaba pelo ya mofo le morena?
Dipotso tse botsitsweng mona ke tse nne. Baithuti batlahema ho ikgethela tse PEDI feela ba arabe tsona.
Ha ke o hopola ke a tsekela, Moya o tlabikelwa ke tshotleho, O sitwa ho tsitsa bokahareng ba ka, Ke iphumana ke le lefatsheng la komello, Mahwatateng ho se metsi le semela, Nyora le ntshotla le ntlhokisa kgotso, Hoba ke nyoretswe wena moratuwa.
Ha nka lebala tsa mehla e fetileng, Nka kopa lefatshe ho ngamoha ke kene, Ke tsa menyaka le dihalleluya, Ho eso fihle meso ya ditshehlo Le ditsikitlano tsa meno, Nka o hopotsa tsona wa qaboleha.
O hopola ha ngwaha e le wa 1973, E le wa mahlohonolo motseng weso, Ho fihlile hlopha sa mehaladitwe, Ntho di dikile hare leebakgorwana, Nonyana ya mawatleng ho bopeha! Tjhebo ya mahlo a yona e jwang na E kena pelong e tjhatjhametse, Maikutlo a o tlohele a ye le yona, Bophelo ba lenalefatshe bo o felle, O bone fatshe la menyaka o sa le tsebe, Se o rwale setsokotsane se o fihlise, Le ka kwano le sale le makama a lona. Athe ke tshimoloho ya meferefere, Kajeno ke bona tshehla tsena, Di apere lapa leso ho tla thusong, Hoba ho hlophiswa tsa metjeko, Na athe ke ne ke bontshwa ka moo Ba nkamme ka monateng, ka thatong, Feela moleko ke o mokaakang ona, Ha Mphatlalatsane ela le yona E itshuntse sehlopheng sena! Mahlomapene dibeng sa Sizenzele?
2.1.3 Ha ke o hopola ke a tsekela (a) Sethothokisi se bolelang ha se re (b) Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng moo Hlalosa hakgutshwanyane seo o se utlwisisang ka mantswe a tlohang moleng 8 ho isa ho 13. Mookotaba wa thothokiso ee ke ofe Hlakisa hakgutshwanyane ka ona?
Mehaladitwe eo ho buuwang ka yona moleng wa 16 e bolela eng?
Ke Daggakraal Motsamai, isa mahlo naheng o bone, O bone ha naha e ikgabetse, E kgabile kang e se matekwane Ana ke a molemo, a phedisang. Ke la heso leo la matekwane, Na ha se ka lebitso matekwaneng Ke ka lona e se ka diketso, Ke a o rata, o kgabile ka diketso. Joo, botle ba maralla a o dikileng, Tsona diphula tseo tse alehileng, Dikgohlo di a phatsima ke jwang, Baholo ba re sehetse kgubung?
Ka yona refumanamelemo ya hao.
E antswe ho wena ena kganya.
BoKobajwang, ka baka la palesa ena?
Ba antseng tsweleng la Daggakraal.
Qoqa kadikapuo/mekgabisopuoe sebedisitswengditemeng tse ka hodimo, le mela eo di fumanwang ho yona, o be o fane ka bohlokwa ba tshebediso ya mekgabisopuo eo.
Bala qotso e latelang ka hloko ebe o araba dipotso tse e latelang.
Kgele! Bodutu ba tla ba nkgorohela!
Sediba se kollang kgotso se fumanwa kae?
Pele ka ka nyarela, ka kgolwa molodi.
Tjhe, jwale ke hare dilomong.
Wankatametsa dilomong ha leeba lena.
Ho leboha wena Mohapeloa, sefonthwane?
Etswe lepotlapotla le ja podi.
Motho eo ho buuwang ka yena moo o tsebahala ka eng setjahabeng Qolla mantswe qotsong a bontshang hore sethothokisi se tatile?
Ho bolelwang ha ho thwe motho eo ke sebata 2.3.4 Moleng wa 7 ho buuwa ke Hukuthu, Hukuthu puong ya bothothokisi modumo oo o bitswang 2.3.5 Hobaneng ho se na letshwao la ho bala moleng wa 17 2.3.6 Nyarela moleng wa 6 e bolelang 2.3.7 Qolla mela e MMEDI moo ho nang le phetapheto o be o bolele hore ke ya mofuta ofe 2.3.8 Molaetsa wa thothokiso ee ke ofe Bala qotso o ntano araba dipotso tse e latelang?
Lempetje Ntho makgakgarapa towe, Botle bo kae, ramahwasha Ho nna botle ke ho itseba Ho tseba seo ke leng sona, Bokgabane ke mmala wa ka, Wena ha o iphetolakatjee Ha nka tseba sepheo sa hao, Ka tseba seo o se tjantjellang, Ka ho iphetolakammala hoo. Botaleng o motala. Bofubedung o mofubedu. Phetsa, ke a tshwere mano a hao, O nkwe lekokong la nku, O motsomi wa meya ya batho?
2.4.3 Phetsa Qolla bonono bo tswang thothokisong e ka hodimo, ka ho bontsha dintlha tse latelang le hore di fumanwa meleng efe (a) Lebotsi (b) Kgefutsohare (c) Kganyetsano (d) Mothofatso Fana ka mantswe a MABEDIa supang hore lempetje ke phoofotswana e sa boheheng e bolelang Sepheo sa sethothokisi sa ho e sebedisa ke sefe?
Qolla mela e MMEDI eo ho fumanwang phetapheto ho yona, o be o bolele le mofuta wa yona.
Kgetha potso e le NNGWE feela ho tse pedi tse botsitsweng karolong ena. Ebang o kgetha potso ya mofuta wa tse kgutshwanyane karolong ena, ho karolo C o tlameha ho kgetha ya moqoqo mme ha eba o kgetha ya moqoqo karolong ena, ho karolo C o tlameha ho kgetha ya mofuta wa tse kgutshwanyane.
Bala qotso e latelang ebe o araba dipotso tse e latelang.
Poshudi Morenana Banna Poshudi Morenana Poshudi Banna : : : : : : : Ka hla ka bona morutinyana eo, Casalis, a ntse a okaokela kgafetsa ha morena. Ya hla ya mpelaetsa eo taba. Banna! Ha re a tla ho tla phetha tse etsahetseng. Tabataba ke hore re etseng jwale Ebe ke nna feela ya batlang tharollo ya taba ee Ha a tloswe! Ha a tloswe! Ha re se keng ra ipata ka mora mohoo. Monna a eme a ikotle sefuba a bue puo pha! Mohlomphehi, mora Moshweshwe, le bana beno. Nna ke utlwisisa maikutlo a lekgotla hantle. Ha ho hlokehe hore re nne re pote mona, re re bito mane. Morena ha a tloswe re bee e mong wa bara ba hae. Monna eo o tsofetse banna. Ke enwa a ka nna a se kotsomala Puo ya hae ke a e utlwa jwalo ka morenana empa ba bang bona ba reng Le dumme, ha a tloswe?
Puisano ena e tshwaretswe hokae?
Seabo sa Casalis bophelong ba Morena Moshweshwe e ne e le sefe?
Ke eng se neng se sa tlwaeleha ka kopano ee?
Ikgethele diketsahalo tse THARO ka hare ho tshwantshiso ena ebe o bolela hore di bontsha/senola jwang semelo sa Moshweshwe.
Ho ya ka Mmantsopa le Katse, sesosa sa tlala ya sekoboto e neng e le Lesotho ka nako eo ke sefe Karabo eo ya bona e supa mofuta ofe wa kgohlano?
Ke mora ofe wa morena Moshweshwe ya neng a le leqoophe, a bile a rata hore thebe di thulanngwe le Maburu?
Qotsong ena ho na le sebapadi seo re ka reng ke mofapanyi. Se bolele o be o tiise karabo ya hao ka ditaba tsa tshwantshiso.
Lebaka le neng le etsa hore Casalis a batle ho kolobetsa Moshweshwe ka potlako ke lefe?
Kopano ena e bile teng e le ditholwana tsa ho se dumellane ha Moshweshwe le bara ba hae. Bolela seo ba neng ba sa dumellane ka sona.
Leru lee le lefubedu ke bomang Seabo sa bona tshwantshisong ke sefe?
Fana ka mabaka a MABEDIa ka sehloohong, ao Moshweshwe a neng a re a mo tlama ho theha kgotso le Maburu.
(b) Tumellano eo kopano ena e e fihlelletseng ke efe Naa e ile ya fela ya phethahala Hobaneng?
Kgohlano ke eng?
Qoqa ka mefuta e mmedi ya kgohlano le hore e amana jwang le tshwantshiso ena.
Ke mofuta ofe o matla tshwantshisong ee Tiisa karabo ya hao ka dintlha tse tswang bukeng?
Sesosa sa kgohlano ena ke sefe bukeng/tshwantshisong ya rona?
MATSHWAO KAROLO YA B: Qolla diketsahalo tse tharo tsa bohlokwa tse totisang kgohlano ena.
O se ke wa lebala ditaelo tsa ho kgetha dipotso.
POTSO 4 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
E ne e se e lemariha mmedikolo di phomotse. Batho ba ne ba sebaqaleletse ho hela jwang, ba hlekela dikgomo tsa bona, tseo ka nako ena di neng di se ntse di eja mohwang. Tshobotsi ya sekgutlo e ne e se e sa hane hwetla: matswapong a sona ho ne ho se ho ena le mapatlelo a hetsweng jwang; masimong ho se ho ena le mabadi a mahlare.
Ka le leng Kgama le Thekoba siya pokolaka boomo hodimo mane letswapong ha ba theola dikgomo ho ya di hlahlela. Letsatsi le nele eso dikele, leotlile letswapo le ka botjhabela ho sekgutlo, mme meriti e se e tshetse nokana. Lehlakoreng lona le ka botjhabela, moo letsatsi le neng le satjhabetse, Dibakisoo nea setseale mong, a ntse a bokella jwang. O ne a ntse a leba kwana le kwana jwalo ka kgaka e nokola qoba tsa poone.
Hoba ba kwalle dikgomo ba be ba holehe, Kgama asiya Theko, a nyolosa sekgutlo. A hla a tsamaya ka tsela e neng e tla mo fetisa haufi le Dikakiso. O ne a tsamaya ka pele jwalo ka ha eka o habile hole.
Ekaba ha o a bona pokola e moo eso ha o ntse o le moo A botsa a le manepana le yena?
Kgama ha a elellwa ho nkeha ha Dibakisotabeng ya pokola, a be a se a kgeloha tsela, a toba ho yena; a re: Ebe motho a ke ke a e bona ha a le hodimo moo ho wena Na o re nka be ke sa e bone?
Hela, ntho tsena di a makatsa; ha e le pela lefika ha e bonahale ka lebaka la boputswa bammala wa yona.
Ke bona eka ke yona. Ebile ke eo e tsamatsamaya." Kgama a be a se a kena tseleng hape a ntse a komakoma, a bolela ka moo pokola eo e nenge mo sotla ka teng. Haa kgutla ho tswa e lata, a tla a e palame, a tobile ho mothowahae hape. Jwaletjena o ne a se a ikgodisitse hore maemo a lokile. Mooayang a mo shebile, a utlwa. "Dibakiso yee! Dibakiso! "E ne e le Mmadibakiso a hoeletsa a le hae.
Morero wa Kgama le Theko ho ya ka tseo o di badileng ke ofe?
Leraba leo ba neng ba le tjhehile e ne e le lefe Hona na le ile la atleha Hlalosa ka botlalo?
Tsuonyana ena hoja mma yona ha a e bitsa, ke ne ke tla fihla ke e fuphula sa phakwe Tsuonyana ena eo ho buuwang ka yona ke mang?
Lebaka le neng le etsa hore Kgama a habe ke lefe?
dikolo di phomotseKe sekapuo sefe se sebedisitsweng ha ho thwe...
Leraba leo Kgama le Theko ba neng ba le tjhehile e ne e le la ho etsang?
Seratswaneng sa pele qotsong, mongodi o sebedisitse karaburetso ya mofuta ofe mme hobaneng a entse jwalo?
Naa kamano ya Kgama le motho enwa eo a mo tjhehelang leraba, e tla dula e le e hlokang mathata ho ya ho ile Hlalosa ka botlalo?
Maqiti ana a Kgama a bontsha bohlale ba hae. Ke ketsahalo efe hape eo o ka reng ka yona Kgama o bontshitse bohlale?
Na ho ya ka bophelo ba Mohlakeng, ntho eo Kgama a ratang ho e etsa e amohelehile Hlalosa?
Kgama o tsebile jwang ka eo ya mo tjhehelang leraba?
Qolla diketsahalo ho bontsha ka moo mogodi a atlehileng ka teng ho nyalanya tikoloho kapa sebaka ha mmoho le baphetwa ba latelang paleng ena.
Hlahisa/Qotsa diketsahalo bukeng, tse bontshang hore Mofifi e ne e le motho ya ratang ho kopanya ditaba tsa setso le tsa sejwalejwale.
<fn>11113VMF2006.txt</fn>
DIKAHARE; 15 13 - 15: di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang. 10 - 12: di a hohela, di tsamaelana le sehlooho le bongodi bo kgabane. 07 - 09: di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang. 04 - 06: ho boima ho latela dintlha ka botlalo. 01 - 03: di fokola haholo.
PUO: 15 13 - 15: 10 - 12: 07 -09: 04 -06: 01 - 03: Puo e balehang ebile e na le mekgabiso puo. Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo. Puo e nang le diphoso empa e baleha Puo e tletseng diphoso mehopolo ha e hlahelle hantle. Ha ho tatelano ya puo mme le moqoqo wa tengto hloka tlhase.
Ke nako eobatho ba kgutlile mesebetsing, mme ba phomotse mme ba phetelana ditshomo ho itlosa bodutu.
O tlameha ho hloma lehlokwa hlohong hore a tle a se ke a mela dinaka.
Mmotsi Moarabi O tswa kae Ha Mmantilatilane Wa jang Ka ja ka bohobe Wa futswela kang Ka metsi a pula Thellaa he! Ke thelleng ke le..?
Papadi ya lesokwana e ne e le papadi e kgolo ya basadi, barwetsana le banana.
Papadi ena e ne e bapalwa ha letsatsi leeme, ho se pulae le hore lebaka ke ho tlisa pula.
Ho ne ho tsohwa ka matjeke ho uwe motseng ho ilo latwa lesokwana.
Ba ne bafihla hoseng ba kene ka lapeng ha ramotse ba batle lesokwana ka mahlo seotlwaneng.
Ha ba le fumane moo le hlomilweng teng, ba tla le hlomolla ho se ya bonang. Ha ba le utswe ba le latile.
Ha ba qetile batla tswela ka ntle ba didietse ba le phahamise ho tsebisa beng ba lona ba re: Lesokwana la ya!
Kamora moo beng ba lesokwana ba tla hlaba mokgosi ba ba lelekise, ba tla ya jwalo ho fihlela bayokena motseng wabona.
Bahapi ba lesokwana ha ba atise ho ya hole, ba tla re ba a tswa ka motse oo ba kopane le beng ba lesokwana ebeho a mathiswana jwalo, e ntse e le "phamo" Hona ho tla etsahala ho fihlela ba kgathala ba lapa. Ba tla memelwa dijong ke beng ba lesokwana mme ho jewe ho theosetswe ho phomolwe.
Mohlala: Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.
Mohlala: Monono ke mohodi ke mouwane.
Maele a atisa ho ba le thuto e itseng.
Mohlala: Tieho e tswala tahleho.
Maele a amoheleha bathong bao a sebediswang ho bona.
Mohlala: Kgomo ya lebese ha itswale.
Maele a mang a itshetlehile hodima poelotsamodumo.
Maele a mangata a sebedisa mabitso-mararane.
Maelea mang a na ledikarolo tse pedi tse tlatsanang mme tse kgemang mmoho kapa tse phehisanang.
Maele a mang a sebedisa dipolelo tsa leba tse atisang ho latelwa ke tlhaloso.
Maele ha a fetohe.
Ke ho kopa thuso ho Jehova le ho lwantsha / tlosa letswalo.
Tjhe! Ke phoso e kgolo hobane re tshwanela ho dula re rapela ka mehla le ho isa diteboho ha re amohetse ho hong mmoping.
Letswalo - la hore o ka hloleha mosebetsing wa hao, ho tshoha hore o tla pasa ka moo o ratang na Re qala ho utlwa bofokodi ba rona. Ke hona re bonang hore ha re na matla re hloka thuso?
Nako hobane e tsamaya ka potlako ya mohlolo.
Hoba re qetela re ferekane re sa tshepe le hore re tla atleha na.
Hore e be lebitso la hae le tla hlahella koranteng na o tswelletse na?
Ke hlahlobo eo e sa le e qaleha kgale ha o hlaha, e tla fela mohla o shwang, hlahlobo e tla bolela hore o tla ya diheleng kapa lehodimong mohlang o shwang.
Ho bolela hore re ye re sitele Jehova ho rapela feela ha re le tsietsing. Ho bohlokwa ho dula re ntse re rapela hoba ha re rapela ka nako eo re tsielehileng ka yona ke thapelonyana feela e senang thuso empa re sitela Modimo hoba ha ano utlwa ka ho panya ha leihlo.
setswalle motswalle wa hao wa bonyenyaneng. Le ne le bapala mmoho, le senya mmoho, le ratana ka lerato la bongwana. Enwa motswalle o ne a o utlwisisa hobane se ka sehloohong setswalleng sena ke "nako". Le qeta nako e ngata le le mmoho le bapala, le qoqa leha ka nako e nngwe moqoqo oo o sa lebise kae. Ba ratana ka lerato le se nang dipha.
Motswalle wa sebele, le hotse mmoho, le a tshepana. Le abelana diphiri ebile le a thusana ha le le tsietsing. Mahloko a e mong ke a hao. Setswalle sa lona se tebile ebile se dula se le malala a laotswe. Le ka bonwa jwalo ka bana ba motho hoba le utlwisisana. A ka le rekela dijo, a o thusa ho fepa lelapa la hao. Ke setswalle sa nnete. Ho boima hore a ka o lahla.
Motswalle o teana le yena ka nako eo, eo o batlang thuso ka yona. O bona motho a le tsietsing, a le mathateng. O a mo thusa ho sa kgathaletsehe hore ha hona se ba kopanyang. Ba kopangwa ke tsietsi ya nako le motsotso. Enwa motho o bontsha ho kgathala, o bontsha bopelohlomohi. O molemo, o kgona ho thusa.
Motswalle wa makgonthe, ya ke keng a o lahla le ka mohla. Ha o tshepela ho yena, dintho tsohle tsa hao di tla loka. Ha a fetohe, o a tshwana ka mehla. Ke motswalle wa bohle. A ke ke a o tshwarela sekgopi. O ka tshepela ho yena ka nako tsohle, e bile ha a kgetholle. Ha o buile le yena, o mo phehletse sefuba sa hao. O tla dula ka sephiri sa hao; a rarolle mathata a hao. Tshepo ya hao o ka e beha ho yena. O a mamela.
Lenyalo a Basadi e leng bommatswala ba sebedisa lenyalo ho hlahisa maikemisetso a mang a sa atiseng ho tsamaela le botle bo thewang ke lenyalo. Ha bana ba bona ba nyalwa, ba thaba haholo hobane ba ipona ba le lehlohonolo. Ba bona bana ba bang e le mafetwa, ba hlotswe. Ba ikgantshetsa batho ba bang.
b Batho ha ba tlile lenyalong ba tlela ho tlo bona hore batho ba apere eng hore ba tsebe ho bua. Ba bang ba lakatsa eka e ne e ka ba bona.
c Ha bana ba bona ba kgutla ba kgutliswa ke ho se fumane bana, e ba bothata. Basadi ba bang ba tshehisa ka bana ba bona, ba re ke dinyopa. Thabo e a fela, batho ba se ba ipona eka ba hloleha bophelong.
<fn>11113VMS2006.txt</fn>
Difela difela di ne di qatjwa ke banna ha ba eya merafong ya gauta le ya ditaemane ba ne ba di pheta ho itlosa bodutu le ho re kumela ka tsa bophelo ba hae, le mathata a tseleng.
Maele ke dipolelo tsa bohlaletseo molemo wa tsona e leng ho ruta. -Maele ke dipolelo tse kgutshwanyane tse utlwisisehang le ho amoheleha setjhabeng seo a sebediswang ho sona.
Maele a mangata a na le moetsi le ketso.
-- Thuto ya mohala dikolong Ha ho sa na kgethollo Mananethuto a matjha jk.
Ee / tjhee! Ha motho a ntse a atleha dintho di a fefoha (etc.) Ananela maikutlo a hae ha feela a utlwahala.
Ke seemela sa mefuta yohle ya meruo a kang dikgomo, dinku, dipere, matlo, mapolasi esita le eng feela e ruehang E bolokeha ha bonolo o e lahlela bankeng ha e sokodise jwalo ka leruo la diphoofolo. Diphoofolo di na le mosebetsi o boima di a bulelwa le ho diswa. Tjhelete e bua maleme ohle. Ka nako e nngwe o ka etela mafatsheng a mang mme ha o fihla teng tjhelete ya hao e ka fetolelwa tjhelete ya naha eo. Tjhelete ha e shwe, ha e bole feela e ntse e fumana tswala ha e le bankeng, e a eketseha. Tjhelete ha e na hore o ile sekolong kapa tjhe. Le bao ba sa kopanang le monyako wa sekolo ba tseba ho e bala hantle.
Batho ba sebetsa ha boima ba habile ho ba le tjhelete e ngata Ba nka mesebetsi le ha ba sa e rate hore feela ba fumane tjhelete Ba bang ba e batla ka tsela tse fosahetseng ba etse dintho tse hlabisang dihlong Tjhelete e hlokisa ba sebetsang kgotso meyeng ya bona Ha ba sa tsotella le bana, ha ba na sebaka lebitsong la tjhelete Bobudu le bosenyi mmusong wa rona bo iphile matla. Basebeletsi ba mmuso ba bang ba se nang nnete ba e sebedisa bohlaswa, ka baka la meharo. Maratong teng ha re sa bua. Ha ho sa nyallwa lerato ho se ho nyallwa tjhelete feela. Ba ipoloketseng tjhelete e ngata ka bolotsana kapa ka tsela tsa nnete, ha ba fumane phomolo. Meya ya bona e dula e sa phutoloha ba na le matswalo a hore e ka tshoha e ba phonyoha. Batho ba leka mekgwa e mengata ya ho ba le tjhelete e ngata ka potlako.
<fn>11113VMS2007.txt</fn>
DIKAHARE; 15 13 - 15: di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang. 10 - 12: di a hohela, di tsamaelana le sehlooho le bongodi bo kgabane. 07 - 09: di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang. 04 - 06: ho boima ho latela dintlha ka botlalo. 01 - 03: di fokola haholo.
PUO: 15 13 - 15: 10 - 12: 07 -09: 04 -06: 01 - 03: Puo e balehang ebile e na le mekgabiso puo. Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo. Puo e nang le diphoso empa e baleha Puo e tletseng diphoso mehopolo ha e hlahelle hantle. Ha ho tatelano ya puo mme le moqoqo wa tengoo hloka tlhase.
Pulo le kamohelo ya ditho. Lenane la batho ba leng / siyo / kopileng tshwarelo. Palo ya metsotso ya kopano e fetileng le kamohelo ya yona. Ditswa metsotsong.
DIKAHARE: 4 4 - 3 ditaba di nyalane le sehlooho 2 - 1 ditaba tse hlahellang hohle feela ntle le ho hlokomela se hlokahalang.
Dintho tseo a tla hopolwa ka tsona, mantswe a kgothatso botho ba hae.
E ka moya wa hae okarobala ka kgotso.
Lesokwana(a) : Ke papadi e bapalwang ho kopa pula. Ho uwa motseng o mong, ho fihlwe ho kenwe ka seotlwaneg beng ba motse ba sa elellwe ba batle lesokwana moo le hlonngweng ebe ba baleha ka lona. Ho tla lelekisanwa jwalo ho fihlela ba bang ba hlola.
Malatadiana(b) : ke papadi ya bashanyana naheng kwana. Ho sebediswa majwang a manyenyane a leshome le a maholo a leshome. A manyenyane a bewa hodima a maholwanyane, e be a kolokiswa.
Mokgibo(c) : ke boithabiso ba basadi le banana. Ke papadi e thabisang ba baholo le ba banyenyane, ho a ikgabiswa ho tshwarwe ditshwantshonyana tsa dithebe tsa banna tse entsweng ka mahlokwa a fohlilweng makgapetla. Ho kgumangwa ka mangole ba itshwere matheka.
Seqathamajwana(d) : Ke ya basadi ha ba le naheng. Ho balwa bashemane ha ba le leshome ho somulwe lehlokwana le leng le finwa lefito. Moshanyana ya tla hlomola lehlokwana le finnweng lefito, o madimabe ke yena ya tla thiba dikgomo ha di etswa tseleng.
Sediadia(e) e bapalwa ka mora hoba bohadi bo kgaohe, mme mohlankara o iphumanela ya mo kgahlang. Ke ya bahlankana le methepa. Ba ikarolo hlopha tse pedi, bahlankana ka nqena, methepa ka nqane. Ho tlohelwe Sebaka mahareng. Morwetsana a tshwere molangwana (sediadia) letsohong la hae mme a tobe mohlankana eo a hapilweng ke yena.
Ngwana tadi o tsejwa ka mereto. Re keke ra re: o tsejwa ka mereto ngwana tadi. Moelelo ha o pepeneneng: ho sebediswa ditshwantsho le mekgabiso. Le ha o ka utlwisisa lentswe le sebedisitsweng, hoo ha ho bolele hore le sebedisitswe ka tsela eo o le utlwisisang. Mono-no ke mohodi ke mouwane. Na ebe leruo ke mohodi Maelana: a itshetlehile hodima ketso ho anya motho leleme. A ka fetoha sebopehong: ho ja koto o jele koto ho ya ka lekgathe le sebedisitsweng?
Karolo ya pele e hlahisa theneketso, moo ba sebedisitseng seboko sa ya rokwang ba bile ba kenyeletsa le moo a tswalwang.
ke wa Lekena, o tswalwa ha Raletshabisa. Seboko ke Letlaka. Karolo ya bobedi e hlahisa ketso. Se etsahetseng ha ntwa e kupa. E mong ke eo o se a rapaletse.
Dilotho a Mosi o siya mollo b Ntja c Mollo d Dinala ka ditshila tsa tsona.
e Lehodimo le lefatshe.
Mohobelo ke papadi e bapalwang ke bashanyana le barwetsana ba sa leng batjha dilemong. Kapa banna le bahlankana. Ho ne ho uwa teng ho kgabilwe ka mokgwa o makatsang. Basadi le barwetsana le bona ba ne ba fihla ba kgabile ka mese e metjha ya matlalo a dikgomo tse suhilweng ka makgethe. Mese e kgabisitswe ka difahafaha le mabenyane a mefuta, meriri e phaphathilwe ke letsopa mme e phatsimisitswe. Matsohong ho kentswe dikgono tsa mefutafuta. Maqaqailaneng ba itlamme ka merutlhwana. Mekotlanyana ya letlalo e kentsweng majwe kapa ditlhaku tsa poone ka hare.
Sealolo - Mona banna le bahlankana ba eme ka nqalong ya bona e lebaneng le le kgethilweng ke banna le bahlankana. Ho tlohetswe sebakana mahareng. Jwale ho kenwa ka bonngwe sebakeng sena. Monna o fihla a thinya haufiufi pela mosadi, feela a hlokomele ho se mo ame. Ha ba se ba kene kaofela, ba tla tjhentjana ka dinqalo.
Motjeko - Mona basadi le barwetsana ba eme ka lehlakoreng la bona, le lebaneng le la banna le bahlankana. Ba tjekana ba le bang sebakeng se mahareng, ebe ho kena basadi le bona ba tjekana ba le bang. Ha ba qetile ho kena basadi le bona ba tjekana ba le bang. Moetapele o se a phokola pina ka lentswe le phefa, banna ba tshwara dikojana matsohong ba ntse ba re shhp, shhp, shhp...
Mokgibo - Banana le basadi ba kgumama ka mangole, ba itshwara matheka e be ba ya le morethetho wa pina, melala e tamolletswe sa kokolofitwe ba be ba e kgutlise. Mahetla ona ba a tsapodisa sa pitsa e belang. E mong o tjhakela tjhalaka hara mokgopi wa bona. A tsamae ka mangole mme a sa fapane le bongata bona bo kgibang bo kgumame sebakeng se le seng.
Sediadia - E bapalwa haholo ka mora hoba bohadi bo kgaohe, mme e ne e le hona papading ena moo mohlankana a atisang ho iphumanela ya mo kgahlang. Ke ya banhlankana le methepa, ba ikarola hlopha tse pedi, morwetsana a tshware molangwana (sona sediadia) letsohong la hae mme a tobe mohlankana eo a hapilweng ke yena. Ba bang bohle ba ntse ba bina mme ba opa matshoho. Ha a fihla o mo neha sona sediakia seo. Ha mohlankana a kgahliwe ke morwetsana eo, o a se amohela, ebe o a mo felehetsa ho kgutleha hlakoreng la methepa. Ha mohlankana a sa kgahlwe ke morwetsana o mo leleka sa maeba. Ebe ngwanana o tloha a swabile a yo fa mohlanka e mong ha e ba ba se amohela.
Tshidikokwana - Dibapadi di etsa sakana la nkope di tshwarane ka matsoho. Ba bine ba ntse ba hlokometse hore ba se senye sedikwadikwe seo sa bona. Sebapadi se seng se kena ka hare se ntse se bina pina se opa diatla. Yena eo o se a botsa potso a re "Leotwana lee ke la bomang wee". Ba ka ntle ba re "ke leso, ke leso, la boMasilonyane". Ebe hona ho a phetwa. Empa e supa leeto lesele e seng leo a neng a le supile pele. Ho sutjwa ho fihle leotong la bohlano. A botse potso ya ho qetela a re "ke tla tswa le kae, wee O kene le hokae, wee Hoo ho bolela hore a ipatlele sebaka seo a tlang ho tswa ho sona. O batle ba tellehang a itahlele ho bona. Ebe ho kena e mong?
Lesotho = ke maloti, Botswana ke Pula.
Tjhelete e a bolokeha bankeng. O ka tshwara e ngata ho se ya hlokomelang. Ha e hlahise leruo la hao bathong. Leruo le ka kula la nto feela. Batho ba ka utswa phahlo ya hao. Batho ba ka dulela ho kopa hobane ba bona seo a nang le sona.
Bankeng le ho reka thepa. Ha o e rekisa e ka ho etsetsa tjhelete e ngata.
Di 'plastic money' e leng dikarete tsa rona tsa banka, o di sebedisa hohle ha o ntse o reka ha ho sa hlokahala o ye bankeng o ilo ntsha tjhelete.
Ba tella, ba hloka botho, ba fetoha semelong.
O e boloka kae; batho ba ka o bolaela leruo la hao.
Tjhe! e dula e fetofetoha, ka ho ya ka boemo ba moruo ka hara raha. Mohlala merusu, dintwa, boekoto di theola boleng ba ranta.
Motho ya leetong.
kgathatsang matla tse ka etsang hore a lakatse eka leeto le ka fihla qetellong ka potlako.
la hao e sa le sebakeng.
ntse o palame koloi o bone hore ha o tlo fihla qetellong ya leeto la hao.
qetellong ya yona ho ba metse e kgaola tsela dikotwana hoba dikotwana tsena se seng le se seng se phakisa se fihla qetellong ya sona.
Motho ya balang buka.
ho e bala, re bona qetelo ya yona e le hole haholo. Re a nyahama ho qala ho e bala.
lebala bolelele ba buka. Re nahana qalo le qetelo ya kgaolo e nngwe le e nngwe.
hore e tlameha ho qetella. Ho ntse ho le monate le ho fihlela ntho qetellong.
maoto a rurhile, hlooho e ope, mahetla a imetswe, tlala ke yona e ikakgetse le lenyora. Empa tsena di se o tshwenye o fihlile qetellong ya leeto la hao.
phomola, le molala e leng kgale o fihla qetellong.
mmele o se o hana o fihlile qetellong.
rata ho tswela pele, o sitiswa ke mmele o fokolang.
Pelo e a rata ho mpa ho iphokolla mmele.
O ke o utlwe o le mohau ka pelong ha terene e lla, e lla e kena seteisheneng o arohana le metswalle hore ho bohloko jwang.
Ha o tlameha ho qetela buka e monate, na o ke o utlwe eka e keke ya fela hoba e o kgaohanya le batho bao o seng o ba tseba ho bohloko ruri.
Ho bohloko mohaeso le ha setswalle se fela se qetwa ke qabang kapa karohano ya lefu re ba le tshepo ya hore re tla kopana.
Ha e le lefu re bone hore re hlotswe le lona le mpa le tlosa nama ena ya rona e fokolang esitisang moya.
Ka mora lefu ho sala moya e leng karolo ya rona e atametsang ho mmopi haholo karolo e sa tsebeng mokgathala.
E le qetello hobane e ke karolo ya sa tsebeng qalo le qetello. Hobane e le yena qalo le qetelo.
<fn>11113VQF2005.txt</fn>
Karolo e nngwe le e nngwe e na le ditaelo tsa yona; di badisise ka botlalo.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A le B le C.
Araba dipotso ka moo o laetsweng ka teng.
Mpho kapa talenta e ka etsa meeka le mehlolobophelong ba motho. Tebisa maikutlo a hao ka taba ena.
Bana ke diipone tsa malapa ao ba tswang ho ona. Boitshwaro le dipuo tsa bona di supa le ho bontsha bophelo ba ka lapeng. Nnetefatsa kapa o hanane le taba ena.
Lefu metseng yaditoropo le nketswe hodimo ho feta moketewa lenyalo. Hlahisa maikutlo a hao.
Dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa 2010 di tla fetola bophelo ba Maafrika Borwa. Ke melemo efe eo ba tlang ho e fola?
Kgetha lengolo le le LENG ho a latelang.
O ne o kopile koranta ho hlahisa setshwantsho le pehi ya ntatao ya tla bolokwa ka Moqebelo mme bona ba fane ka tlaleho e fosahetseng. Ba ngolle lengolo leo ho lona o tletlebang ka phoso ena.
Abuti wa hao ya neng a ntse a o ruta o qeta ho hlokahala mme o ke ke wa kgona ho ya sekolong se phahameng isao.
Ngola tema e le NNGWE ho tse latelang.
O mongodi wa mokgatlo o itseng wa basebetsi mme e mong wa basebetsimmoho o hlokahetse. Ngola memorantamo o hopotsang basebetsi ka tshebeletso ya sehopotso.
O mongodi wa mokgatlo wa bolo ya maoto. Ngola tsebiso e yang ho ditho tse phethahetseng tsa mokgatlo o di tsebise ka kopano e tlang ho ba teng. O se ke wa lebala lenanetsamaiso la kopano.
Kgetha e le NNGWE ho ditema tse latelang.
Ngolla mopresidente wa naha molaetsa wa e mail moo o tletlebang ka maemo a hlobaetsang dikolong tsa batho ba batsho. Molaetsa wa hao o fetisetswe ho letona la thuto.
Dipotso tse botsitsweng karolong ena di pedi, kgetha e le NNGWE feela mme o arabe yona.
Le batho ba kene ka yona, ba sa ile.
A re, ke mehlehlo ya dikgomo le ya batho!
Beng ba mara ba ntse ba lla, ba re!
Nketu le Ramakwane le kae?
Ngwana Mmamokgatjhane eo ho buuwang ka yena ke mang Yena o amana ka tsela efe le Basotho?
Ke meleng efe e mmedi moo ho sebedisitsweng mola o tswellang?
Letshwao la potso moleng wa 17, le bitswang?
Phetapheto e fumanwa meleng efe?
Fana ka mofuta oo dithoko tsena di welang ho wona.
Ke mang ya etellang morena pele ha a eya kgotla.
Nehelana ka mabaka a etsang hore morena a rokwe.
Bala qotso o nto araba dipotso tse e latelang.
Bontatemoholo ba ne baitshepetse ditaola le mawa a tsona hore ba nne ba tsebemohlodi wa lefu le ba jang, le ha e le se tla ba hlahela ka mokgwa ofe kapa ofe. Ditaola di ne di etswa ka masapo a diphoofolo tse shweleng, tse ruilweng le tse hlaha jwaloka kgomo, nku, podi thakadi tshwene le kolobe ya naha.
Fana ka mefuta ya masapo a etsang ditaola.
Ditaola di sebediswa ke bomang, ha ho etsahalang?
Dikgomo tse sa hlokomelwang, tse hlokang badisana.
Ke dintlha dife tse akaretswang ha ho rokwa morena?
Ngola hakgutshwanyane ka sebopeho sa dithoko tsa makolwane.
Bala diqotso tse latelang mme o arabe dipotso.
E jwalo nako. E na le hona ho fetola dira e di etse metswalle, e na le hona ho hlahisa kutlwano moo ho renang ntwa feela. Tsietsi tsengata di a phutholoha ha nako e ntse e iphetela, e, di phutholohe hona hoo re beng re makale hore na re ne re itshwenyetsang ka tsona. Nako e lokisa tse ngata. Ho ye ho mpe ho potlake rona hobane re re ha re na nako, re e thuhithuhile dikotwana tse ngata tse se nang thuso, tse mpang di re tshwenya feela.
Qotso ee e tswa moqoqong ofe?
nako e lokisa tse ngata ... Nnetefatsa taba ena ka ho hlalosa se ileng sa etsahala historing ya naha ya heno.
Nako e fetola dira metswalle ka tsela efe Hlalosa?
Ho ya ka mongodi, molemo o mong wa nako ke ofe?
Ho thwe nako ke ngaka a b Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng moo Hlalosa se bolelwang ka polelo ena?
Batho ba bontshwa ke eng hore nako e fela e ile bophelong ba bona?
O kena lapeng mme o fumana mmao le ntatao. Ke bona ha ho pelaelo; empa le bona ba fetohile. Moriri omosweu o se o thuntse, mona le mane hose ho bonahala tselanyana tse pakang hore letlalo le se le phuthehile ke dilemo tse ntseng di feta. Mosadimoholo o se a ntshitse menonyana a se makae. Motseng o fumane metswalle ya hao e se e qhalane. E meng e se e le banna le basadi ba seng ba ena le bana, ba bang e se e le ba ahetseng tjhankaneng, e meng e se e le mobung o batang.
Fana ka sehlooho sa moqoqo ona.
Sebui se fumane batswadi ba sona ba fetohile. Ebe ba ne ba fetotswe ke eng?
Bopaki ba hore dilemo di ntse di feta re bo bona jwang?
Phetoho ke karolo ya bophelo. Ke phetoho efe e bileng teng thutong ya rona hoba ho kene puso e ntjha Fana ka ntlha tse THARO?
Ke sefe se qhalanyang metswalle Bolela dintho tse PEDI?
Bala qotso ebe o araba dipotso tse botsitsweng.
Hoba qetello ke ntho e hlokehang haholo. Hadi ngata dintho tseo re neng retla di qala hoja re ne re qala re sa tsebe hore qetello ha e bile ha e hole hakaalo. Re a tseba hore ho monate ha kaakang ho qala dintho.
Motho ya leetong.
Motho ya balang buka.
<fn>11113VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, e leng A, B le C.
Karolo e nngwe le e nngwe e na le ditaelo tsa yona mme mohlahlobuwa o kotjwa ho badisisa ditaelo tseo ka kelohloko.
Ho karolo C, kgetha buka e le NNGWE mme o arabe potso e le NNGWE feela.
Nomora mosebetsi ka nepo.
Ngola ka makgethe mme o sebedise mongolo o bonahalang.
Kgetha sehlooho se le SENG kapa setshwantsho ho tseo o di filweng, mme o ngole moqoqo okabang bolelele ba maqephe a MABEDI. Ha o kgetha setshwantsho o se fe sehlooho.
Dikotsi tsa mebileng di bolayabathobabangata haholonakongya paseka le keresemese. Qoqa ka moo re ka qobang dikotsi tsena mebileng ya rona.
Ha o tshaba o tshabe sejwalejwale.
Ngola moqoqo oo ho ona oleng setlabotjhasekolong se phahameng. O qale jwalo ka ha eka ke Mantaha hoseng lepatlelong la ditsebiso le thapelo.
Moaparo o a bua. Na ho jwalo Tebisa maikutlo a hao sehloohong sena?
Hlahlobisa setshwantsho se latelang ka hloko ebe o ngola moqoqo ka seo o nahanang hore setshwantsho se bua ka sona. Kamano pakeng tsa setshwantsho le moqoqo e totobale.
Kgetha lengolo le le LENG hoa latelang. Bolele ba lona ebe leqephe le leLENG.
Ngolla letona la naha la thuto lengolo leo ho lona o tletlebang ka maemo a theohileng a thuto.
Ngolla malomao lengolo leo ho lona o mo tsebisang ka kotsi ya koloi e le hlahetseng le metswalle ya hao.
Kgetha tema e le NNGWE ho tse latelang. Bolelele bo se fete leqephe le le LENG.
Ngola tsebiso e yang lekgotleng le emetseng barutwana basekolo sa hao moo o ba memelang kopanong e potlakileng. O se lebale lenanetaba la hao.
O mongodi wa sehlopha sa bolo ya maoto sa Ditshitshidi. Ngolla batshehetsi ba sehlopha sa heno memorantamo o ba tsebisangka diphetohotse tlang ho ba teng ho tloha kgweding e tlang.
O mosuwetsana sekolong se phahameng sa Roleleyathunya. O ne o tsamaile le sehlopha sabana ba sekolo ho ya serapeng sa diphoofolotse hlaha, empa ka bomadimabe bana ba babediba tswadikotsi tse mpe. Fana ka pehelo ho batswadi ba bana bana le ho lekgotla la sekolo.
Boela o kgethe e le NNGWE ho tse latelang. Bolele bo se fete leqephe le le LENG.
Ngola boitsebiso (cv) boo o tla bo romela le kopo ya hao ya mosebetsi.
Mangolo a thuto.
Bala temana e latelang o nto araba dipotso.
Tshomo ke mofuta wa taba o tshwanang haholo le pale. Ditaba tsa teng di atisa ho ba tsa nnete, tseetsahetseng kgalekgalesetjhabengseo di qoqwang hosona, mme badi phetang ba a di kgolwa. Ke ditaba tsemabapi le bodumedi, boloi, bongaka, jwalojwalo. Tsedingke mehlolo, ha tse dingdi hlalosatshimoloho yalefatshe, bophelo kapa lefu, mme tse ding tsona di bontsha matla a bomodimo.
Fana ka mefuta ya ditshomo le mohlala tshomong ka nngwe.
Hobaneng ditshomo di phetwa bosiu?
Fana ka mesebetsi e MERARO ya diboko.
Bohlokwa ba seboko ho Mosotho bo bonahala ka hore ho be le papadi e tlwaetsang bana ho tseba dithothokiso tsa seboko sa bona. Papadi ee e bitswang?
A ko fane ka moralo wa papadi e ho 5.1.6.
Araba dipotso tse latelang ka ho fana ka dintlha feela potsong ka nngwe.
Meketeng ya Basotho ho ne ho ithabiswa ka metjeko, dipapadi le dipina tse tsamaelanang. Hlalosa papadi ya lesokwana ka mela e leshome.
Qoqa ka matshwao le melemo ya maele o be o fane ka mohlala ho tiisa karabo ya hao.
Maele a Sesotho a mangatangata, mme a fapane. Le ha ho le jwalo sebopeho sa ona ha se fetohe tshebedisong ya ona. Fana ka mehlala e mene ya sebopeho sa maele.
Bala qotso o nto araba dipotso hobane ke sa sebedisa mpho eo ke e filweng ke Mmopi e leng boko ba ka, le sona sebaka sa ho ba sekolong. Tjhee, ke ne kekopa matlaa ho hlola letswalo le ka honna, matla ahotseba ho sebedisa tsohle tseo ke ithutileng tsona ke ne ke kopa ho Mmopi o mphe matla a ho kwala sekgeo sa bofokodi se hlahileng moyengwaka mme ka nnetee nee yeere ha ke qeta keutlwa kgotso e kgutlela ka pelong ya ka, ho thothomela ho fela, ke boela ke nahana hape jwalo ka mehla. Mmehoo ke ntho e kgolo hlahlobong. Ba bangata ha kaakang bafeilang hobane ba tshohile, ba thothomela, ba sa nahane.
Sekgeo sa bofokodi seo ho buuwang ka sona ke sefe?
Lebaka le etsang hore motho ya ka hlahlobong a rapele ke lefe?
Na ke nepo hore motho ya tsietsing a rapele ka nako eo Hlalosa hakgutshwane?
Mosebetsi wa boko boo Mmopi a re fileng bona ke ofe?
Mopheti o re ntho e kgolo hlahlobong ke efe Hlalosa ka botlalo?
Sera se seholo sa motho ya ngolang hlahlobo ke sefe Hobaneng?
Moqoqong ona ho thwe hlahlobo ke ntwa ya nnete. Hobaneng ho buuwa jwalo?
Ntho e ngongorehisang motho ya sa tswa ngola hlahlobo, ha dikolo di se di kwetswe, ke efe?
Hlahlobo e kgolo eo motho a tobaneng le yona bophelong ke efe Hlalosa ka dintlha tse PEDI?
Thapelo e ka nqane ho lebitla ha e na thusoHo na le puo e reng: . Hoo ho bolelang. A ko hlalose ka botlalo o ikamahantse le qotso e ka hodimo.
Bala temana e latelang o nto araba dipotso.
Le a hola. Dilemo di a feta. Lefeta dihlopha tsa lona. Ba bang ba nyamela, ba falla ba leba metseng e meng. Le ntse le ithuta le tswela pele. Ha le hlokomele hore ha le sa le masea, hore le ntse le hola. Le feta sehlopha sa botshelela mme le lokela ho tswa sekolonyaneng sa lona, sekolonyaneng sena seo le se tsebileng nako etelele ha kana, sekolonyana sena seo ho sona le tsebilengthabo le nyakallo ya thuto, e, le mathata a yona; sekolonyana sena se le tsebisitseng banna banaba Modimo ba le rutileng dintho tse ngata, bao kajeno le ba tlohelang hona mona.
Fana ka mefuta e mene ya setswalle e hlahellang moqoqong ona o be o hlahise hore setswalle sena se ama motho jwang. Ngola o tlatse leqephe.
Qoqa ka dintle le dimpe tsa lenyalo tse hlahisitsweng ke mongodi moqoqong wa.
<fn>11113VQS2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le e dikarolo tse tharo e leng A, B le C.
Karolo e nngwe le nngwe e na le ditaelo tsa yona; di badisise ka botlalo.
Nomora mosebetsi ka nepo.
Kgetha sehlooho se le SENG kapa setshwantsho ho tseo o di filweng, o ngole moqoqo o ka bang bolelele ba maqephe a mabedi. Ela hloko: ha o kgetha setshwantsho se fe sehlooho.
Ba thaotha, ra kgetha, ra hlola! Ngola moqoqo o hlalose maikemisetso a mmuso oo o o kgethileng ho arabela ditabatabelo tsa bakgethi.
Tshebediso e mpe ya dithethefatsi batsheng! Ngola o tebisitse maikutlo ka moo di amang boiphihlelo ba batjha kateng.
Tlholo ya boiteko ba mohope wa lefatshe wa 2010. Ngola moqoqo, mme o bontshe ka moo tlholo ena e tlang ho tlisetsa Maafrika Borwa mesebetsi ka teng.
Ekare boemo ba ranta bo tla re tlisetsamathata. Pheha kgang.
Shebisisa setshwantsho se latelang ebe o ngola moqoqo ka se etsahalang.
DITEMA POTSO 2 Kgetha lengolo le le leng feela ho a latelang.
Ngolla motswalle wa hao lengolo, o mo kgothaletse ho ntshetsa dithuto tsa hae pele ka mora lengolo la materiki.
Ngolla motsamaisi wa thuto seterekeng sa lona lengolo, o tletlebe ka taolo e mpe ya dikhomputara sekolongsa lona.
Kgetha tema e le NNGWE feela ho tse latelang.
O mookamedi setsheng se itseng sa tlhahiso ya tshepe. Ngolla basebetsimmohomemorantamo ka tlhokomediso ya ho fihla ka nako mosebetsing.
Kgetha tema e le NNGWE feela ho tse latelang. Bolelele e be mantswe a 80 ho isa 100.
Ho sa tswa hlahiswa setlolo se setjha se thibelang mafafatsane. A ko bapatse setlolo seo.
Sebedisa buka ya hao ya ho arabela ho tlatsa dikgeo tse foromong ho ya ka dinomoro tseo o di filweng.
Bala diqotso tse latelang o nto araba dipotso.
Dithoko, ha mmoho le ditshomo, ke yona mekgwa ya pele ya ho bolela ditaba tsa bophelo le bosetjhaba ba Basotho. Le ha ho le jwalo, mekgwa ena e fapane haholo. Ho roka ke ho bokotsa kapa ho reneketsakapa ho rorisa motho kapa phoofolo, kapa ntho kapa ketshahalo e hapileng seroki maikutlo. Ka nako tse ding seroki sesebedisa thoko ho leboha. Dithoko tsedingke tsa ho soma leho nyefola se sa rateheng setjhabeng. Ke ka lebaka leo dithoko di atisang ho ba boiqapelo ba nako lemotsotso, ho ya kamooseroki sesusumetsehangkateng.
Fana ka mefuta e MEHLANO ya dithoko tsa Sesotho o be o fane ka sepheo sa ho di pheta.
Ho roka ke ho etsa jwang?
Phapang ke efe pakeng tsa dithoko le difela?
Meketeng ya Basotho ho ne ho ithabiswa ka metjeko, dipapadi le dipina tse tsamaelanang. Boithabiso bo boholo ba banna ba sa leng batjha mme ba le matla hammoho le bahlankana e ne e le mohobelo. Basadi ba batjha hammoho le barwetsana, le bona ba ne ba kena papading ena.
Bolela dikarolo tse NNE tsa papadi ya mohobelo.
Bolela matshwao a MARARO a kgethollang maele mefuteng e meng ya dipolelo.
Maelana a fapane jwang ho maele. Re fe matshwao a MARARO.
Hlalosa tshobotsi ya dithoko. Fana ka ntlha tse PEDI feela.
Bolela matshwao a supileng a maele. Tshehetsa karabo ya hao ka mehlala.
Fana ka mekga e MEHLANO ya dilotho ho ya ka moo di qapuweng ka teng, o be o fane ka mohlala wa selotho bakeng sa mokga ka mong.
Bala qotso ena ebe o araba dipotso tse e letelang.
O dihetse tekete he, mohaeso. O nkile tekete ya terene mme o se o tlamme thotwanaya hao. Sefahlehosahao se edile, o a tseba hore hosasakapa ka mosoo tla be ole hole, haenomoo e sa lengo tloha neng Kgale. Mohlomong o ne o qala ho tloha hae mmeo qala ho kgutlela teng kajeno. O ntse o bososela feela ha o hopola hore hosasa o tla be o bona phula tsa heno, o tla be o le motseng wa heno, o tla be o le hara batho bao o hotseng pela mahlo a bona, o tla beo le hara bahlankana le barwetsanabao o hotseng le bona. Bosiu bohle ka tereneng o lala o nahana tsena, le boroko ha bo fihle hantle..?
Ho jwalo, weso. Ka hohle ntho di a fetoha, ha ho e emeng feela tulong e le nngwe. Di hlodilwe jwalo mme ha ho ka nqa enngwe. Ho itswe re tla tswalwa, re hole, re tsofale, re theohele lebitleng. Re tla ba le bana mme le bona ba tla latela tsela eo. Ke tsela ya phetoho.
Ho a lokela le teng. Ha ho se phethehileng lefatsheng mona.
Ka mehla re ntsere leka ho etsa mesebetsi e phethehileng, re leka ho leba moo dintho di phethahetseng teng. Ke mosebetsi ka nako tsohle, mme ka mehla phetoho e ntse e hlaha. Phetoho yona e tla fela mohla re fihlangmoodintho di phethehileng. Mme ha ho tulo e jwalo ha e se feela ho Mmopi wa tsohle, ke Yena feela eo kajeno a ntseng a tshwana le maobane le maoba, ya tla nne a be jwalo le hosasa le ka moso.
Ditaba tsee tse ka hodimo di hlaha moqoqong ofe?
Bolela dintho tse NNE tseo mophetwa enwa a fumaneng di fetohile motseng wa habo.
Ke sefe seo motho a ka se etsang ka lebaka la tlholohelo?
Phetoho e teng le ditabeng tsa lerato. Ke baphetwa bafe ba babedi ba ileng ba arohana moqoqong oo?
Se bakileng karohano ho baratani baa ke sefe Hlalosa?
Mongodi o re hlokomedisa hore tsohle mona lefatsheng di a fetoha, mme o mong feela ya sa fetoheng, yena ke mang?
Ke dintho dife tse fetohileng dikolong / lenanethutong la rona ha esale ka mora dikgetho tsa 1994 Bolela tse NNE feela?
Na o dumellana le mohopolo o hlahellang polelong e sehetsweng mola ka tlase Fana ka mabaka?
Ntho e kgolo e tlisang phetoho bophelong ba rona ke efe?
MATSHWAO A KAROLO YA C: Moelelo kapa mookotaba wa moqoqo ona, , ke hore ke mahlopha-a-senya. Tshehetsa mohopolo ona ka moqoqo o bolelele bo pakeng tsa mantswe a 450 - 550.
<fn>11121VMF2005.txt</fn>
Boshodu, ditlatlapo, ho tlatlaptjwa ha dibanka, ho tlatlaptjwa ha makoloi a tsamaisang tjhelete, kgwebo ya dithethefatsi, dipolaotsa batho ka sehloho le dipeto.
Hobane naha ya rona e aparetswe ke bonokwane, botlokotsebe le ditlolo tse mpe tsa molao.
Ke palo e phahameng ya dipolao le dipeto.
Ka ho otlwa le ho betwa.
Ke hobane diketso tsena tse mpe di etswa ke bona bathoba baholo.
Ba kgannwa ke lerato la tjhelete le ho phela bophelo ba maemo a hodimo.
Ba ithorisa ka hore mokoko o itswalla dithole.
Ke hobane ho e na le hore babake ba tswela pele ka sekgahla se fetisisang.
Ke hobane ho na le dihlopha tse ngata mme di tsekisana borena.
Ke tlhokeho ya mesebetsi le tshubuhlellano ya matswantle.
Ka kgwebo ya dithethefatsi le mabenyane.
Monake neke tla hlokomelahore batho ba tshwarwang ka dithethefatsi ba fuwa kahlolo e phahameng.
Molatoane Radiopane e ne e le monna wa modumedi ya neng a ena le tjhebelopele le ditoro tsa ho ikahela bokamoso bo tjhabileng. O ile a arohana le mofumahadi wa hae ka selemo sa 2001. A tloha Thabalesobo ho leba Limpopo ho ya batla mosebetsi.
ile a sebetsa polasing e bitswang Engedeni moo a ileng a lelekwa. A kgutlela polasing ho ya lata dipitsa tsa hae hosteleng ya polasi. Metswalle ya hae e mmedi monga polasi Piet Koekemoer ba ile ba mo shapa. Ba ile ba mo lahlela kampong ya ditau tse ileng tsa mo harola.
ya bohlaswa3.1.1 (a) Ngwana o tsamaile.
e mokgutshwane(b) Mosadi ke mme.
Tshwantshanyo hobane o tshwantshwa le moloi.
lelekilwe4.1.1 (a) Ba hobane e le mashodu.
kgathatseha(b) Ke ile ka ha ke sa mmone.
sohle(b) Sehlopha se thabetse tlholo.
Papading. O ne a ile papading ya bolo.
Naheng. Badisa ba ile naheng.
<fn>11121VMF2006.txt</fn>
Ba rata ho iphumanelaphaello tjheleteng ya bona ya sekolo.
Ba fellwa keboitshepo, ba ipone ba se letho setjhabeng.
Ba batla hore bana ba kenyetjhelete ka lapeng.
Ha se nnete. 'Babangba bona ha ba ruteha ka lefu lena laAIDS.'
Banna ba ne ba kokota metseng ya batho, ba ntshe banana ka kgang ba tsamaye le bona.
Ho sebedisa motho e mong ho etsa se itseng, mme qetelong o fumana molemo o itseng, mme yena a sa fumane letho.
Ho etsa thobalano le bana.
Ho bapatsa ka ditshwantsho tsa bana ba tsotse.
Ho sebedisa mmele ya bana ka sepheo sa ho etsa phaello ya tjhelete.
Tjhe. Ho etsahala le mafatsheng a kang Asia le Yuropa.
Bana ba qetella e se letho setjhabeng.
E ile ya tuma ka ho reketla ha lefatshe.
Tampane o fetohetse batswadi ba hae. O inyadisitse, o dula habo kgarebe ya hae.
Batswadi ba Tampane ba utlwilebohloko ka boitshwaro ba morabona. E se e lelemo tse leshome a sa bonahale lapeng. O se a tsamaya a re batswadi ba hae ba shwele.
Batswadi ba Tampane ba entse tsohle hore a rutehe mme ba futsanehile ka baka la hae. Ha ba sa sebetsa, ba se ba phela ka ho kopa.
Tampane ka ha a ne a le unibesiting, o qetile tjhelete ya batswadi.
tla hopola hae mohlang a le mathateng.
Tsona di nyametse maobane ha re ne re bala. O mpolelletse yona bekeng e sa tswa feta.
hore: Ke lakatsa horebanketele matsatsing ana a phomolo.
mme: Katleho o sebeditse hantle dithutong tsa hae mme o fumane basari ya ho ya Amerika.
O tla ba bona mohlang ba fihlang mona. Ke lekile ho bua le bona empa ba se utlwisisi.
Re atisa ho ya kerekeng Sontaha se seng le se seng. Malome o kile a lahlwa ke sepoko bosiu. Moruti o ntse a kokota ka morao ka mane. (tse pedi feela).
Baeti ba tla fihla haufinyana.
Ke ka baka lang o ntjheba hampe?
Nka itshireletsa jwang nyeweng ya sapoto ya bana?
Na lekgotla le dumetse hore ke lefiswe tjhelete e kaalekale?
Kaha -ka ha.
Ke ka -Nka.
modiehi letswalo -Modiehi Letswalo.
<fn>11121VQF2005.txt</fn>
Araba dipotso kaofela pampiring ena.
Badisisa ditaelo tse hlahellang tlasa karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
Leka ho nomora dikarabo tsa hao ka nepo le kelohloko.
Fana ka mosebetsi o makgethe.
Bala ditaba tsena o nto araba dipotso tse tla latela.
Boshodu, ditlatlapo, hotlatlaptjwa ha dibanka ho hlometswe, ho tlatlaptjwa ha makoloi a tsamaisang tjhelete, kgwebo ya dithethefatsi, dipolao tsa batho ka sehloho mmoho le tsona dipeto tse phahameng ke tse ding tsa diketsahalo tsa bonokwane lebotlokotsebe naheng ena. Ha ho letsatsi le fetang re sa bale dikoranteng, ho utlwa diradiong kapa ho bona dithelevisheneng ditlolo tsena tse mpe tsa molao. Ditlolo tse tjena tsa molao di theotse seriti sa nahaena e ikgantshang ka ditokelo tsabotho le puso ya setjhabaka setjhaba. Dinaha tse ngata tsa mose ho mawatle di sedi tshabaho beheletsa ditjheletetsa tsona naheng e aparetsweng ke bonokwane, botlokotsebe le ditlolo tse mpe tsa molao.
Ho ya ka dipalopalo tsa International Crime Statistics 1996 Interpol, AfrikaBorwa ke naha ya boraro lefatsheng e nang le palo e phahameng ya dipolaole dipeto. E boetse ke naha ya bobedi lefatsheng e tummengkabonokwane le botlokotsebe. Ka letsatsi ke batho ba 50 ba bolawang, basadi le banana ba 88 ba betwang, diketsahalo tse 150 tsa boqhekanyetsi, tse 187 tsa boshodu, tse 260 tsa boshodu ba makoloi le tse 544 tsa ho pshatlwa ha matlo. Metsotsong e meng le e meng e 25 ho na le ngwana wa ngwanana ya hlekefetswang ka ho otlwa kapa ho betwa. Ho e na le hore diketso tsena tse hlabisang dihlong di theohe di phahama le ho feta. Ka nakotse ding bathoba etsang mahlabisadihlong ana ke batho ba baholo ba neng ba lokela ho kgalema le ho ba mehlala e metle setjhabeng empa jwaleba iphetotsediphokojwe. Batho banao kare ba feteleditswe kapa ho nehwa anathema hobane ho ena le hore ba bake ba tswela pele ka sekgahla se fetisisang. Ba bang ba bona, kebolelabana ba filengdikolobe dihlong tsa bona, ba ithorisa ka hore mokoko o itswalla dithole. Ho ya ka diphuputso tsa morao tjena, dilemong tse leshome tse tlang diteronko tsa Afrika Borwa di tla be di ena le palo e phahameng yabatshwaruwa ba maqheku. Porovensi ya Limpopo e itlhommepele diketsahalong tsa peto ya banakebatho ba baholo.
Ho ya ka ditsebi bonokwane le botlokotsebebona bo atileng bo bakwake tlhokeho ya mesebetsi, tshubuhlellano ya matswantle a balehileng dinaheng tsa habo bona ka mabaka a dintwa tsa dipolotiki kapa ho batla tjako ka baka la tlala e aparetsengdinaha tsa habo bona mmoho le mmaraka o bulehileng wa thekiso ya dithethefatsi le boshodu ba makoloi. Boholo ba batho ba amehang boshodung bona ba makoloi ke batjha. Ba etsa jwalo hobane ba kgannwa ke lerato la tjhelete le ho phela bophelo ba maemo a hodimo. Ho boetse ho nale kgwebisano e seng molaong pakeng tsa baahi baAfrikaBorwa le ba dinaha tsa boahisani tse kang Lesotho, Zimbabwe, Botswana, Mozambiki le Nigeria. Boholo ba makoloi a utsuwang naheng ena bo tshela meedi ho leba dinaheng tsena.
Ha e le ditlokotsebe tsa Nigeria tsona di tumme ka kgwebo ya dithethefatsi le mabenyane. Ba fetotse AfrikaBorwa mmaraka wa bonao moholo. Kgwebisano ya matekwane yonae atile haholo pakeng tsa baahi ba Lesotho le ba Afrika Borwa. Sepolesa se hlola se tshwere batho ka meqeqekohadi ya mekotla ya matekwane. Ke tsona dithethefatsi tse kang tsena tse sentseng batjhaba naha enadikelello hoo babilengba etsang diketso tsenatse mpe tsa tlolo ya molao.
Botlokotsebele bonokwane bo fetotse naha ena hore e se bolokehe. Bahahlaodi bamose ba se ba tshaba ho etela kwano ka baka la diketso tsena tse mpe. Le jwale Mosotho o nepile ha a re dilemo di a loyana, hobane mehleng ya pele diketso tse kang tsena le ha kwanadi ne di le teng di ne di satota jwalo kamehleng ena. Setjhaba se lokela ho ema ka maoto ho hlola sera sena hore nahaya habo rona e be e bolokehileng.
Fana ka sehlooho se loketseng ditaba tsena.
Fana ka ditlolo tse PEDI tsa molao tseo ho buuwang ka tsona.
Hlalosa lebaka le etsang hore dinaha tsa mose di tshabe ho beheletsa naheng ena ya rona.
Dilemong tse leshome tse tlang, diteronko tsa AfrikaBorwa di tlabe di tletse batshwaruwa ba maqheku. Hlalosa lebaka.
Fana ka mabaka a MABEDIa susumeletsang boholo ba batjha diketsong tsa bonokwane le botlokotsebe.
Batho bana ba betang ba ithorisajwang?
Ho ya ka ditsebi bonokwane le botlokotsebe di bakwa ke eng naheng ee?
Ako hlalose hore ke eng seo o neng o tla se etsa ho lwantsha le ho thibela ditlolo tsena tse mpe tsa molao, ebang o ne e le Letona la Tshireletso le Polokeho kapa moemedi wa setjhaba lebatoweng la heno.
Bala qotso e ka tlase kahloko o nto e akaretsa ka ho ngola dintlha tse supileng tsa bohlokwa.
Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela ditaelo tse latelang hloko.
Qetellong ya kakaretso ya hao bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Sebedisa mantswe a hao ho akaretsa qotso, o se ke wa e qotsa e le jwalo.
Molatoane Radiopane e ne e le monnaya nang le tjhebelopele le ditoro tsa ho ikahela bokamoso bo tjhabileng. E ne e le monna wa modumedi ya tshabang Modimo. O ne a kena kereke ya St. John Apostolic mme a bina barathone sehlopheng sa dibini. Bophelo ba hae bo ile bafetoha, ba eba bosula le bodutu haholo kamora hore a arohane le mofumahadi wa hae eo a nenga ena le bana ba bararo le yenaselemong sa 2001. Ka mora tsena tsohle, toro ya hae e kgolo e ne e le ho ba mmetli wa mapolanka.
Ho e phethahatsa Molatoane Radiopane o ile a tloha habo Thabalesoba haufi le Matlakeng ho leba porovenseng ya Limpopo. Morao a siya dikgaitsedi tsa hae ka tshepiso ya ho di hlokomela hang ha a se a fumane mosebetsi oo a o batlang. Le tsona di ne di se di tshepetse ho yenahobanejwale lelapa le ne le phelaka thata, le phelaka ho kolla ntsi hanong. Basotho ba boletse ha ba re ho se tsebe ke namane e ka mpeng hobane ha a ne a tsebile enwa Molatoane Radiopane a ka be a sa tlama thoto ho leba Limpopo Mathata a hae a lebisitseng qetellong ya bophelo ba hae a qadile mafelong a beke ha a ne a ilo lata dipitsa tsa hae hosteleng ya polasi ya Engedi moo a kileng a sebetsa teng pele. O tlohile polasing ena ya Engedi ho le hobe hobane a ile a lelekwa sa ntja ya moketeng, mmea laelwa hore a se hloleabeha lebatha la hae polasingeo. Hoba a kene, o ile a fumana metswalleyahae e mmedi, Raditapole leRatjotjose, ho ya batla dipitsa tsa hae hobona. Ho ena le homo fatsona ha tsoha qabang e kgolo. Ba ile ba mo tshwara, ba mo shapa, ba mo rahakaka. Molatoane o ile a leka ho balehaempa ba mo lelekisa ba mo tshwara, ba mo tlamella sefateng ho fihlela monga bona Piet Koekemoer afihla. Ho ena le ho botsa le yenao ilea kenya letsohoa thusa ho mo shapa. Ka mora moo ba ile ba mo nka ba ya mo lahlela kampong ya ditau. Tau ke tau mme e ja nama. Hanghang ditau tsena di ile tsa mo harola. Ho ileng ha sala e bile hentswanaya hae eo ba mo tsebileng ka yona. Toro eo a nnileng a e lora ya feta jwalo ka mohodi ha tsatsi le tjhaba.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse tla se latela. Hlokomela hore dipotso di tla itshetleha hodima seratswana sena.
Motseng o mong o bitswang Tsheseng ho la Qwaqwa ho ne ho dula monna e mong ya bitswang Tau. Ha ho thwe motho o ne a hafa ka nkatana ho ne ho bolelwa yena Tau ka sebele. Monna enwa o ne a nyetse sethepu. Mosadi wa hae wa matswathaka o nea safumanebana athe e monyenyaneyena o ne a enale banababararo. Mora wa hae e moholo Kgahliso o ne a ba opisa hlooho mme monna wa hae a thotse jwalo ka moloi ya bonetsweng. Ke nnete hore leshala le tswala molora hoba enwa ngwana o nea saanya kgonong, o ne a fapane hole le batswadi ba haekamekgwa le ka diketso. Batswadi ba hae ba ne ba sa je ditheohelang ke diketso tsa mora.
Sebedisa mahokedi ana a latelang dipolelong.
a b ya e le lehokaleamanyi. e e le lehokalekgethi.
A thotse jwalo ka moloi ya bonetsweng 3.1.
Tau o dula Qwaqwa.
a b Isa polelo ena e ka hodimo ho temekiso ya tatolo/kganyetso. E ngole hape e le ho lekgathe letlang.
Qetella dipolelo tse latelang ka ho fana ka lentswe lenepahetseng.
Mosadi ya sa fumaneng bana o bitswa...
Monna ya nyetseng basadi ba babedi kapa ho feta o nyetse...
Bala seratswana sena o nto araba dipotso tse tla itshetleha hodima sona.
Sebedisa maetsi ana dipolelong.
Sebedisa mabitso ana a latelang mmoho le maakaretsi a ona dipolelong tseo o iketseditseng tsona.
Fetolela polelo e latelang ho boetsuwa.
Mokwetlisi o etelletse sehlopha sa naha pele.
Sebedisa mabitso ana a latelang e le mahlalosi a tulo/sebaka dipolelong tsa hao.
Bala ditaba tse ka tlase o nto lokisa diphoso tsohle tse teng ho akaretswa mopeleto, puo e fosahetseng le matshwao a puo kaofela.
E ne e le satertaha hoseng, hodimo le sele le bile le sele le bohweng ba ntja ha Mantwa le motswalle wa hae ba itukisetsa ho ya lenyalong. Metswalle ena e kena yunivesithing ya rau.
<fn>11121VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO, A, B le C mme baithuti ba tlameha ho di araba kaofela.
Mosebetsi o be makgethe.
Dinomoro tsa dikarabo tsa hao di tshwane le tsa dipotso.
Ha ba ya sekolong, ba tsamaya ba kentse tse ding diaparo mekotleng. Ka mora dihoranyana moo sekolong, ba a thoba, ba nyonyobe ho leba matlwaneng ho ya tjhentjha diaparo, ba ntano leba lethathameng la mabenkele ho ya tsoma bareki. Dipatlisiso tse sa tswa etswa monaKZN, di bolela hore bana banaba qetella ba rekisitse mmele ya bona hobane ba rata ho iphumanela phaello e itseng tjheleteng ya bona ya sekolo.
Mane Cape Flats re ne re utlwe pale ya ngwanana ya dilemo di13, ya neng a betwe kesehlophasabannamme a qetella a kene bohlolengbona. O ne a phela sebakeng se sebe moo banna ba neng ba kokota metseng ya batho, ba ntshe banana ka kgang, ba tsamaye le bona. "Ho tengmoshemane ya nenga ntaola," yena a bollela bahaCape Times. "Kene ke tlameha ho etsa thobalano le yena le ba bang. Ka mora nakwana, ka tlameha ho kenya metswalle ya ka e mmedi mosebetsing ona. "Pelo ya kaenee le bohloko, ke sebedisa batho ba bang molemong wa ka." Ho ya ka ba ha SAPS Child Protection Unit, mane Gauteng, bana ba kabang 28 000 barekisammele mme kgwedi e nngwe lee nngwe ho tshwarwa banaba15, ba dilemong tse 15-18 ba rekisang mmele.
Dipatlisiso tse entsweng mekhukhung e meng mane ka leboya ho Gauteng, di bontsha hore diperesente tse 40 tsa banabadilemongtseka tlase ho tse 16 ke dihlola mmea le mong ho ba bahlano ho bona, o na le AIDS.
Ho na le batswadi ba se nang dihlong, ba qobellang bana ba bonahore barekise ka mmele ho kenya tjhelete ka lapeng. Ho na le dihlopha tsa dinokwane tse tlisang bana kwano ho tswa dinaheng tse kang Asia e ka Borwa Botjhabela, Yuropa e botjhabela esitana le Afrika e Botjhabela.
Bana bana ba rekisang mmele ba hlekefetswa haholo. Ba hlekefetseha haholo mmeleng ke beng ba bona esitana le bona bareki. E nngwe ntho hape, ba kenwa ke mafu ana a thobalano habobebe ka lebaka lena. Bongata ba bona ha ba kgone le ho etsa thobalano e bolokehileng -ba bang bona ha ba a ruteha le ka lefu lena la AIDS.
Sena se ama ngwana haholo kelellong. Bongata ba bona bo fellwa ke boitshepo, ba ipone ba se letho setjhabeng. Ba bang ho bona ha ba bone ho le teng tlhokeho ya hore ba pholoswe maemong ana. Ba bang ba beha mabaka a sa utlwahaleng, ba bolele melemo ya bohlola, le hore bafepa malapaa bona ka tjhelete eo, athe hape beng babona ke bona bao e leng baratuwa ba bona.
Ho hweba ka mmele ya bana, ke tlhekefetso le tshebediso ya bana ka sheshe mme sena se hlahella e le bokgoba.
Jwalo ka ha ho se ho boletswe, ho hweba ka mmele ya bana, ke ho ba theola seriti mmoho le ho beha bophelo ba bona kotsing. Ho na le mefuta e meraro ya ho hweba ka mmele ya bana: ho etsa thobalano le bona, ho bapatsa ka ditshwantsho tsa bona ba tsotse esitana le ho sebedisa mmele ya bona le ha e le ka tsela efe feela bakeng sa phaello ya tjhelete.
Jwalo kaha maemo ale ka mokgwa ona, setjhaba se kgoladitholwanatsa seo se se jetseng. Batswadi banaba sa tsotelleng le ba hlekefetsang bana, ha ba bolaye malapa a bona feela, empa le setjhaba ka kakaretso, hobanebana bana ba qetella e se e se letho setjhabeng. Se ngongorehisang haholo ke hore mona Afrika Borwa ha ho molao o kgahlano le thekiso ya mmelebaneng ba ka tlase ho dilemo tse 16.
Na ke nnete hore bana ba etsang bohlola ba tseba haholo ka AIDS Tshehetsa karabo yahao ka ho qolla polelo hotswa seratswaneng?
Banna babangbahlokakutlwelobohloko baneng. Tshehetsa karabo ya hao ka ntlha ho tswa seratswaneng.
Mokgatlo o sebetsang kgahlano le tlhekefetso ya bana o bitswang?
Bana ba bang baqobellwang bohlolengba tliswa kwano ho tswa dinaheng tse ding. Bolela mabitso a dinaha tseo.
Bolela tsela tse THARO tsa ho hweba ka mmele ya bana.
Na ho hweba ka mmele ho etsahala dinaheng tsa Afrikafeela Tshehetsa karabo yahao?
Qetelong ya seratswana sena ho thwe bohlola bo bolaya setjhaba. Sena se bolelang?
Naha ya Asia e hlahellang seratswaneng e ile ya tuma kang selemong sa 2004?
Bala temana e latelang o ntano e akaretsa ka dintlha tse LESHOME tsa bohlokwa. Ela hloko.
Ngola dipolelo tse utlwahalang ka mantswe a hao.
Ngola ka tsela ya moqoqo.
Palo ya mantswe e be pakeng tsa 100 - 110.
Ngola palo ya mantswe qetellong ya kakaretso ya hao.
Tampane a kgolwa e le ka nnete. Batswadi ba hae ba ne ba lla tsatsi le tjhabang le le dikelang ka eo mora wa bona. O nkile lemo tse leshome a sa bonahale ho hang motseng wa habo esita le lapeng labo. O ne a se a inyadisitse hona moo a neng a sebetsa teng. A itatotse batswadi ho hang. Ha a qeta ho inyadisa o ile a fumana ho dula habo kgarebe eo a neng a e nyetse.
Batswadi ba haebane ba phela ha boima, le ho sebetsa ba sa hlole ba sebetsa ka baka la kgolo. Ba ne ba phela ka honna ba kopamakumane moo moradi wabona a neng a nyetswe teng. Ba ne ba seka meokgo ha ba hopolamora eo wa bona Tampane, eo a sa hloleng a re letho ka bona haesale a qeta sekolong mme a sebetsa.
Ka tsatsi le leng ba utlwela ka motho wa ho reng hore ngwana eo wa bona o teng motsengo mongo itseng, mmeebile o inyadisitse. A ba bolella hore mora eo wa bona, o tsamayaa bolella batho hore ha a na batswadi, haesale ba ne ba shwe kgale. Pelo tsa bona di ile tsa utlwa bohloko ha ba hopolahoreba rutile mora eo wa bona, ba mo etsetsa tsohle tlasamaemo aboima.
Ka tla ka utlwa pelo ena ya ka e rotha madi. Re ne re matha, re rekisa dikgomo tsa rona ho isa mora enwa wa ronasekolongse phahameng le diunibesithing, empa kajeno mofufutso wa rona o tswetse boyeng jwalokawa ntja. Kajeno ngwana eo re mo tswetseng o a re latola. O lebetse hore re ne re tsamaya hara dirame, re leka ho moetsetsa lefa la thuto. Kajeno redikatana ho yena, ha rebatho ka baka la hobane re futsanehile. Ke yena ya re baketseng bofutsana bona, empa, le tla mo tjhabela letsatsi. O sa ntsane afuthumaletsweke naha. Matsatsi a tlokotsi, amahlomola, lea ditsietsi ha a eso fihle. Mohla afihlilengo tlatseba lapa labo. O tla batla moo batswadi ba hae ba leng hona teng.
Batho ba jwalo ba ile ba hlokisa meya ya bona phomolo, mme bongata ba bona bo atisa ho poka, ba pokela matlotlo ana ao ba a siileng ka morao. Dipoko tse ding he, di ne di ye di kgannele batho bao di kopanang le bona tseleng ya tsona nqalong ena ya matsete a tsona; ha eba eo di kopanang le yena a abetswe tsela ena. Moshanyana e mong o kile a kopana le sona, ho bontshahala hore o ne a ntse a abatswe jwalo, sa mo nka sa mo isa moo se nengse epetse tjhelete teng.
Ngola maemedi a mabitsoao o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
Sebedisa lesupi ena polelong ya hao e utlwahalang.
Sebedisa makopanyi ana hore le mme dipolelong tse utlwahalang.
Sebedisa lentswe bona dipolelong tse pedi tse fapaneng ho hlakisa meelelo ya lona e sa tshwaneng.
Qolla mathusi a MABEDI ho tswa seratswaneng, o a sebedise ho bopa dipolelo tsa hao.
Ke sebetsa lefapheng le leng la mmuso mme ke etsa mosebetsi o hlomphehileng wa maemo. Haufinyane mohatsaka o sa tswa ntshiya hobane a se a ratana le monna e mong., jwale o batla ke lefe sapoto ya bana ba rona ba bararo ya R1000 ka kgwedi. Hona ho tla thefula bophelo ba ka hampe, nka nna ka lahlehelwa ke koloi le ntlo. Na lekgotla le tladumela horeke lefiswe tjhelete e kaalekale Nka itshireletsa jwang?
Mantswe ana haufinyana le hampe ke mahlalosi. A sebedise dipolelong tsa hao tse utlwahalang.
Bala polelo ena ebe o qolla lerui. Ke sebetsa lefapheng le leng la mmuso.
Bopa polelo e utlwahalang ho kopanya dipolelo tsena tse pedi. (O se sebedise lekopanyi.) Nyewe ke ya sapoto ya bana. Nka itshireletsa jwang nyeweng?
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso: Na lekgotla le tla dumela hore ke lefiswe tjhelete e kaalekale?
Ngola polelo ena e le ho lephethi.
Fana ka leetsi le leng ho boetsuwa.
Ke ngwanyana ya lemo tse 23 mme ha ke so nyalwe. Ke na le lengolo la Diploma la Dikamanoleo kele fumanengTeknikonya SA ka 1995. Ha jwale ke sebetsa SAB mme ke Motlatsa Mookamedi lekaleng la Dithekiso. Ke ka qala mosebetsing o motjha kamora hore ke tsebise beng ba ka nako e ka etsang kgwedi.
Ke tsepa hore le tla sekehela kopo ya ka tsebe.
Ke nna modiehi letswalo.
<fn>11122VMF2006.txt</fn>
Hobane Duduzile o motle, o kgabisitse bophelo ba hae; ke lehakwe la pelo ya hae.
Maikutlo a hae a hapilwe ke pabala ena; o mo rata haholo ka ha Duduzile a utswitse pelo ya hae.
Duduzile haesale a ile, seroki se setse se sotlwa ke lerato la hae.
Seroki se mahlomoleng, se se se nahana ho ineela, a tele Duduzile.
Hobane se fumana nako e ngata ya ho sebetsa. Ha se kgone ho sebetsa ha letsatsi le diketse. Ha se na bohlaswa boo se bo patang.
Ditloholo tsa lefatshe : ba senang letho, ba botswa, ba qhekanyetsang batho ba bang. Batho ba babe ba senya bosiu, ebile ha letsatsi le diketse, re a tshwana kaofela; ba hlokang le ba nang le hona. Ha letsatsi le tjhabile ditlokotsebe di bonwa ha bobebe.
Ke sehwai. Sehwai se kgothetsa, se tseba ho hlophisa dintho tsa sona ka nako. Sekgoba ke mohlohlwa o rapame, se a sebeletswa.
Phetapheto ya mantswe. "Bohlaswa le bofeela "Botle le bobe.." e hlahella e le sebopeho sa karolo ya polelo, se tshwanang ka sebopeho.
Ba senang letho. Ha ntja e sena boya eka e tshabelwa ke serame. Boya bona bo tlisa mofuthu.
Ke phetapheto ya mantswe moo a hatellang ka moo nako e sebetsang.
yena. O hlahisa ka makgetlo yena ya mo etseditseng molemo.
Ntjapedi: tshebedisano mmoho matsatsing ana e re tswela molemo. Mpanaphatloha: ojele okgotse ka baka la tshebedisanommoho.
Ho hatella moelelo.
Molathothokiso: sebopeho sa mela thothokisong kgefutsohare ho hlahisa ho itseng. Ekaba ho phetapheta mohopolo moleng o le mong ; ho tswellisa pele mohopolo ; ho hlahisa kganyetsano; hokolokisa dintlha. Sebakeng sa ho sebedisa mohopolo o lemong moleng o tswellang, ho kgabisamola oo ka ho sebedisa kgefutsohare hore e tle e bope sebopeho se itseng sa mola. Neeletsano mohopolo o hlahella meleng e mmedi ka botlalo. Ha a kgutsufatse mantswe hore mohopolo o tle o hlahelle moleng o le mong.
Sehalo: maikutlo a mongodi a hlahella tshebedisong ya mantswe. Seroki se tletleba ka tahlehelo ya botho ba hae. O a itseka, o bontsha ka moo botho bona bo ka kgutliswang ka hona: re bohlaswa;re lahlehetswe.
Mantswe:kola sa lebollo tlotlo elebiswangdiketsong tse ka tliswang ke lebollo; bapisa bohlaswa bo pepeneneng le boemo ba podi; merokoroko e tlamehile ho ba boima.
Ho theola sekgahla seo thothokiso e neng etsamayakasona;ho sheba morao o itekole.
Ee! O ithuta tse ngata ka tsa bophelo le tsela eo ba heno ba phelang ka yona.
Ke meharo le ho hloka botshepehi.
Naha ya hae e ne e se e fedile ; O ne a sa tlo hlola o lahlehelwa ke letho le le kaalo ; O ne a se a sa ba tshepe O ne a kopile tshireletso Brithani Leha a ne a batla ho bua, bara ba ne ba se ba lahlehetswe ke tshepo, ba ya ntweng ba sa mo rerisa.
Ke ba madi a le mang. Tshweu ha di tswane. Ba ba tshepisitse jwalo.
Ba tlisa kgohlano ka ha Basotho ba ne ba keke ba dulela ho bona naha ya bona e feela, ba tlisa letshoho kaha ba ne ba ka hapa le basotho ba ba fetole makgoba. Ha ba se ba sena sa bona ba ne ba tla ba sebeletsa. Tsena di entse basotho hore ba matlafale le ho feta, ba batle ho itshireletsa. Kgohlano e tswela pele.
Tshepo ya bona e qetilwe ke ha Manyesemane a nkela Lesotho tlasa tshireletso ya bona. Matla a bona a feela. Ba se ba tla phela ka tlasa puso ya naha e nngwe.
Ba theola maikutlo a ka bang kotsi. Ba tlisa tshepo bathong, leha e le ya nakwana.
Puisano le bara ba hae: morena o ne a atisa ho buisana le bara maitekong a hore ba bontshane maemo a ditaba naheng ya hae. O ne a hlahisa maikutlo le ditoro tsa hae ho bona. O ne a ba nka jwalo ka balekane pusong. O ne a ba mamela, a ba tshehetsa, a ba eletsa.
Kgotla : o ne a sa buse naha a le mong. O ne a na le lekgotla leo a dulelang ditaba majwana le lona. Ditaba di ne di tshohlwa moo ebe ho tla nkwa diqeto.
Ha a ne a ya dipuisanong le Maburu / manyesemane, o ne a felehetswa ke ba lekgotla ba hae. O ne a phutholohile, ba tseba seo a se nahanang. Ba mpile ba hloleha ho utlwisisa kelello ya morena ke ka hoo ba bileng le mmomori kgahlanong le yena.
Dikamano le baeletsi ba hae e leng ngaka tse kgolo boKatse : o ne a ba hlompha, a nka dikeletso tsa bona. O ne a tseba hore ke bona bao ba neng ba tseba ho buisana le badimo. Ba ne ba mo eletsa ka tseo di neng di tswa ho ba ileng.
Dikamano le baruti: o ne a ye a kope Casalis ho bua le batho babo. O ne a tshepile hore o tla buisana le leru lena le nto utlwisisa bophelo bo neng bo phelwa ke Basotho. Naha e ne e le ya bohle.
Ditumelano: o lekile ka hohle ho saena ditumelano leha a ne a sa dumellane le tsona. Ka tsela ena o ne a leka ho fa setjhaba sa hae nako ya ho phomola dintweng. O ne a tsamaya maeto a malelele, a kula, e le ha a leka ho sebeletsa setjhaba sa hae. Ha a kgutla moo, o ne a thuisa se etsahetseng moo le bara, hore ba tle ba utwlisise maemo a bona.
Dipitso:O ne a tshwara dipitso, ho hlahisa setjhaba sa hae leseding, le ho utlwisisa maikutlo a bona hore a tle a kgone ho leka ho phethisa ka moo ba kopang. Dikopanong mona o ne a kgalema a bile a kgema le bona.
Kolobetso: e mo thusitse ho fa maburu tshepo ya hore ka le leng o tla kolobetswa. Ba dutse tshepong eo, le hoja yena a ne a tseba hore eo e keke ya etsahala. Ba ne ba tshaba ho mo hlekefetsa haholo kaha ba ne ba tseba hore ha a ka kolobetswa, ba tla be ba nkile naha.
O kopa tshireletso Brithane: kananelo ya kopo ya hae e tlisitse botsitso naheng ya hae. Le ha ba ne ba le tlasa mmuso o mong; ba ne ba tla phela ntle le dintwa, ba be ba tsebe ho ikaha botjha.
Ha a le mathateng o ne a dula a le mong, a imamela a nto hopola morao ho bona hore a keke a sebedisa mahlale kapa thuto ho tswa diphosong tsa morao, hore a tle a fane ka keletso tse hahang. Ha a hlokofetse, a bona setjhaba sa hae se feela. O ne a hopola nakong tsa bontataemoholo pele ho fihla leru lena. Maemo abophelo naheng ya hae a ne a mmuisa ka pelo.
Setjhaba se tlatlapuwe mme se futsanehile, tlala e jele setsi. Bana ba hae ba mo siile. O hlolohetse mehleng ha ho ne ho phelwa ka kgotso. O lla ka badimo ba mo furalletseng. Ha a sa tseba hore a etse jwang hoba eka le boKatse ba hloleha. Maburu a ba phedisa ha bohloko. Karabo ho tswa Brithane e a dieha.
O nka diqeto tseo le yena a bonang hore di ka ba kotsi, empa ha a na boikgethelo p. 29: ha a hlaselwe maburu! Ho ka mpa ha kgaoha moo ho kgwehlang, ha e kupe matlaka a kgore.
PALE POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Puisano E ne e le tse hlomphang. O ne a bua jwalo ka ngwana ya hodisitsweng hantle. Puo tsa thobalano di ne di sa hlahelle puong ya bona. O ne a sa kgathalle batho ba baholo a ikwalla pela Hlajwane. Ho dula mmoho ha bona ho bontshitse tello.
Hlompho O ne a hlompha batho ba baholo. O ne a batla lebaka la ho ya teana le Dibakiso. O ne a etsa bonnete ba hore ha ba bonwe. O ne a tella mmae, a mo sotla ka ho batla dintho tse sa tlwaelehang bashanyaneng ba lemong tseo j.k.
Setswalle le bahlankana ba bang O ne a bapala, dula mmoho ba bua ka tsa setso. A utlwisisa hore ngwanana o tshwarwa jwang. A disa, a ya naheng, a ja ka tshwanelo. Kgama o ne a se a tenehela boTheko.
O ile a thusa mmae ho bokeletsa tjhelete hore ba tsebe ho hlokomela Kgama sekolong. O ile a nna a ba le botshepehi ho yena le hoja a se a bona hore ha a sa na sebaka sa hae, o ile a ya sepetlele ho mo etela ha a lemetse, a etsa ntho tse tswileng tseleng.
Paulosi o re Kgama a kgaohane le Dibakaiso hobane ke yena ya etsang hore a se sebetse hantle sekolong. Banana ba bua ka Dibakiso le Kgama, ba nyatsa kamano ena. Kgama ha a sa tsotella Dibakiso ka baka la setswalle sa hae le Sentebaleng.
Ba ne ba nahana jwalo. Dibakiso o ne a tseba seo a se batlang. Kgama o kgahlilwe ke none e feta e hlotsa. E mo tseiditse a lahlehelwa ke botshepehi.
O hlotse Mmampholwane ha a ne a batla ho mo kopanya le Kgauwane. O ile a iphapanya puo tsa batho. O ne a ntse a rata Kgama le ka mora manyofonyofo ao a neng a a entse.
Kgama o bonahala hore ha a batla ntho o a e latella , o ba pelotelele.
Kgama o bontsha manganga.
O ne a thusa ha ba ne ba bokella tjhelete ya ho mo thusa sekolong. Motswalle wa Dipuo.
Tella: O ne a tella. O hlolehile ho hlompha Hlajwane. O dutse le Sentebaleng a sa natse hore o etsa hona pela motho e moholo. O ne a hloleha ho sebetsa mesebetsi ya hae, a se a na le mabakanyana.
Ka tsatsi le leng o kile a tsamaya a sa bolella mang kapa mang moo a yang.
ne a ya Popa. O utlwisa boTheko bohloko ha a re mmae a ntshetse dikgoho, a mo phehele mahe a tsona hobane yena o batla dijo tse hahang mmele.
bolela ka moo batho ba Mohlakeng, moo a holetseng, ba kwalehile ba sa tsebeng letho. O tshosa Dibakiso ka hore yena a ka mo tlohela ha a ntse a tla ho yena ka ntwa.
Pelo e kgutshwane: ha a ne a na le bahlankana ba habo, o ne a se a teneha ha ba ntse ba qoqa ka tsa naheng. O ne a se a fetohetse le ngwanabo, theko, a teneha ha a ntse a mo hopotsa ka tsa kgale. Qetellong o ne a se a sa ye naheng, a dula hae a bala dibuka. O ne a se a qeta dibeke a sa etele Dibakiso, hobane a sa batle ho tenwa ka dipotsopotso o ne a se a sena sebaka sa ho qoqa le yena kaha a tatetse Popa.
Manganga: Mohlang a neng a thetsa mmae a re o ilo tlatsa diforomo, o hanne ha hothwe o tla tsamaya ka le halahlamang. O ne a se a tenne Mofifi ka ketso tsena tsa hae.
Kutlwelobohloko le mamello: mmae o ne a sebetsa ka thata empa yena a senya ka tjhelete: ba tsamaya bosiu dibaesekopo le dihotele, ba lefa rente.
hlolehile ho qenehela Dibakiso ha a ne a kudiswa ka masawana a hae. Mofifi o ne a leka ho emisa lapa labo, empa o ne a sa bone hoo e leng molemong wa hae. O nkile tsohle ho ya sekolong, Dipuo a dutse hae. Tjhelete ena e ke be e rutile Dipuo.
Dibakiso: o ne a sebetsa lapeng a sena ponelopele ya hore ka le leng le yena a ka kena sekolo. Mehleng eo banana ba ne ba kena sekolo.
Kgama, ka tsela ya ho iphetetsa. Kgama o ne a mo hlekefetsa moyeng, a mmuisa hampe.
Dipuo: monyetla wa ho ya sekolong o teng empa tumelo ya ntatae ya o nyophamisa.
O sebetsa ka thata hore ho rutwe Kgama hobane yena ha a lokelwa ke thuto.
O rutwa hore e be mosadi a tle a tsebe ho sebeletsa monna wa hae lapeng, sa hae ke ho ba le bana feela le ho hlokomela hore wa hahae o phela hantle. Ha a hlokomelwe le ka tsa moaparo, mmapise le ka moo boSentebaleng ba neng ba hlokometswe ka teng.
<fn>11122VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO A, B,le C.
Karolo A o filwe diqotso tse nne; kgetha tse PEDI feela o arabe tsona.
Karolo B le C araba potso e le nngwe feela.
Ho karolo B ha o kgetha potso ya dikarabo tse kgutshwanyane o tlamehile ho araba moqoqo ho karolo C. Ha o kgetha potso ya moqoqo ho karolo B, o tlamehile ho araba ya dikarabo tse kgutshwanyane ho karolo C.
Bala dipotso kaofela ka hloko pele o qala ho ngola.
Araba potso tse PEDI ho tse nne tseo o di botsitsweng. Tlhaka ya Basotho - P.T.P.
Meelelo ya nnete ya Botle.
Seroki se bolelang ka botle thothokisong ee?
Moleng wa pele le wa bobedi ho na le phetapheto. Ke ya mofuta ofe?
Qolla lentswemararane/ lebitsohokwa moleng wa 14 o be o bolele hore le bopilwe ka dikarolo dife tsa puo.
Sebedisa mantswe a hao ho hlalosasebolelwang temeng ya bobedi.
Lentswe le tlohetsweng moleng wa 9 ke lefe Le ngole ka botlalo?
Thothokiso ee ke ya mofuta ofe?
Botle bo kae, ramahwasha?
Bofubedung o mofubedu.
O motsumi wa meya ya batho.
Na ebe sethothokisi se bua le lempetje thothokisong ee Tshehetsa karabo ya hao?
Thothokiso ena e kgaba ka ditshwantsho tsa diphoofolo, di bolele.
Maele ana: Nkwe lekokong la nku a amana jwang le molaetsa wa thothokiso?
O motsumi wa meya ya batho. Mantswe ana a ho qetela a bolela eng?
Lebotsi le sebedisitswe meleng efe thothokisong ee?
Ho tela Maseru ke ho tela yona lamunu.
KE DAGGAKRAAL Motsamai, isa mahlo naheng o bone, O bone ha naha e ikgabetse, E kgabile kang e se matekwaneng Ana ke a molemo, a phedisang?
Ke la heso leo la matekwane, Na ha se ka lebitso matekwaneng Ke ka lona e se ka diketso, Ke a o rata, o kgabile ka diketso?
Joo, botle ba maralla a o dikileng, Tsona diphula tseo tse alehileng, Dikgohlo di a phatsima ke jwang, Baholo ba re sehetse kgubung.
Naha Ntate, o lebitsoleholo, Ka ho medisa palesa e kgolo; Thuto ke yonapalesa ya hao, Ka yona re fumana melemo ya hao.
Palesa yona e beile tse hlabosang, Mesebetsi ya tsona ke e kgahlehang, Tjhabeng se setsho e bonesa ka kganya, E antswe ho wena ena kganya.
Na ha ho boMofokeng dingaka, BoKobajwang, ka baka la palesa ena O itebatsa boGuma batsebi ba melao, Ba antseng tsweleng la Daggakraal?
Ka hohle ditholwana tsa hao di adilwe, BoMoloi ba ho lwela temo ya mobu, BoSeima ba ho hasanya lentswe, Basuwe keditholwana tse ntle.
Fana ka molaetsa wa thothokiso ena.
Mofuteng wa dithothokiso ee ho ka thwe ke ya mofuta ofe?
Dikgohlo di a phatsima ke jwang. Ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng moo.
Lebitso la Afrikaans la motse o thoholetswang moo ke lefe?
Karolong ena ha o kgetha potso ya moqoqo o tlamehile ho araba ya dipotso tse kgutshwanyane hoKarolo C. Ha o kgetha yadipotso tse kgutshwanyaneho Karolo B o tlamehile ho araba moqoqo ho Karolo C.
Leru Le Lefubedu - T.W.D.
Bala qotso ena o nto araba dipotso tse botsitsweng hodima yona.
Ke Kgotla, THABA BOSIU.
Poshudi: Banna baheso, ena kopano ha se e tlwaelehileng..
Morenana: Athe rona re ne re se re thotse feela, re re re tla boka ha di se di oroha. Ntho e tjena ha ke so e bone.
Poshudi: Monna o se nnao potoloha taba seka thabatjena, phunya seso re tswe re thusa, kapa banna ha le bone hore ho a senyeha moo?
Morenana: Oweele, banna ba lekgotla. Re ke ke ra ikwala mahlo le ditsebe feela tjena naha e ntse e fokotseha. Le kopetse melomokapa ke nna feela ya boneng, ya utlwang...
Banna: Bua! Bua! thaka!
Morenana: Naha e ya e ntse e fokotseha. Morena Moshweshwe yena ka mona o etsa ditherisano le Pitorease re sa tsebe...
Poshudi: Ke eo taba he! Ebile ha ke tlatsetsa taba ena ke utlwa ho ilwe ka lenyele Merumetsu eo le yona ke utlwetseng ka menyenyetsi hore e se e bitswa Mmakgotso hoba ho etswa ditumellano...
Morenana: Se ka nna re ditumellanoe rethekiso ya naha, ya Lesotho. Morenao re rekisitse banna ha re...
Morenana: Banna! Ha re a tlela ho tla phetha tse etsahetseng. Tabataba ke hore re etsang jwaleebeke nna feela ya batlang tharollo ya taba ee?
Banna: Ha a tloswe! Ha a tloswe!
Morenana: Mohlomphehi, mora Moshweshwe, le bana beno. Nna ke utlwisisa maikutlo a lekgotla hantle. Ha ho hlokehe hore re nne re pote mona, re re bito mane. Morena ha a tloswe re bee e mong wa baraba hae. Monna eno o tsofetse banna, Poshudi ke enwa a ka nna a se kotsomala.
Banna: Le dumme, ha a tloswe!
Thaba Bosiu ke qhobosheane ya morena ofe wa Basotho tshwantshisong?
Ha taba di le mosenekeng ke ha di le jwang ho ya ka Poshudi?
Hobaneng ha setjhaba se qabane le morenawa sona, hantlentle ho tswekwang?
Dintlha tse pedi tse bontshang botho ba Casalis eo e neng ele moeletsi le motshepuwa e moholo wa Moshweshwe ke dife?
Marenana abolelang haa re, re tla boka ha di se di oroha?
Ho ya ka tsebo ya hao na ebe Poshudi ke motho ya tshepahalang Tshehetsa karabo yahao ka lebaka?
Hobaneng Merumetsu e se e bitswa Mmakgotso?
Bontsha ka moo morena Moshweshwe a ileng a pheella ka teng ho leka ho bolokela Basotho naha ya bona ka kgotso, e seng ka ntwa.
Araba potso ele nngwe, 3.1 kapa3.2. Oseke wa lebaladitaelo tsa ho kgetha dipotso . Hopola hore ebang o arabile moqoqo ho Karolo B o araba e kgutshwane ho karolo C, ebang o arabile dipotso tse kgutshwane ho B, o arabe moqoqo ho C.
Ha e le ntho ena ya ho sotha batho matsoho yona ka nnete ke bokwata bo fetisisang;e bontsha hantle hore bashanyana banaehlile ke tsona dikwatakwata. Jwale le metswallenyana ena yabona e tadimeha le yona e rata ha e ntse e sothakwa matshoho tjena.Ha a qeta ho realo, a hetla.
E, a ko hlo ntjwetse, Sentebaleng:hantlentle kwata ke eng, hobane e se e le hangata ke ntse ke utlwa ho thwe batho ba bang ke dikwata, feela ke sa tsebe na jwang Kgama a mmotsa?
Atjhe, ke utlwa ke maketsehaeba ha o tsebe hore kwata ke eng." "Wena Sentebaleng boDijo ba tla o otla ha ba ka ba utlwa hore o ntse o re ke dikwata." Dibusenga mo eletsa. "Tlohela motho enwaa arabe potso ya Kgama," ke Thabang eo.
Sentebaleng a fapana le ho araba se botsitsweng, yaba o re, "Le tla itshehisa ka batho le a tseba ka ntho tsee tseo le ntseng le di bua! Haeso kwana batho ba kale makalla hampe."
Pulane a re, " Sentebaleng ha a rate ho o araba , wena, Kgama;kwata ke motho ya sa rutehang, ya bolotseng, ya sebetsang morafong mme ya etsang dintho ka kgang." Ho bonahala hore o hle o mo mamele hantle ntate Paulose hee!" ho realo Thabang.
Mmui wa mantswe a ka hara matshwao a qotso "" serapeng sa pele sa qotso ee bitso la hae ke mang, mme taba tsa hae o di lebisitse ho mang?
Ka dintlha tse hlano hlalosa semelo (botho) sa mophetwa eno ya hlahellang ho (3.1.1)ka hodimo.
Qotsong mona ho hlahella Paulose eo bitso la hae la nnete e leng Phakwe. Ebe o ne a tadima ditaba tse amanang le botjhaba ba Basotho ka ihlo lefe?
Fana ka dintlha tse PEDI tse bileng le tshwaetso ya bophirima bophelong ba Paulose.
Tsela eo Paulose a neng a tshwere baithuti ka yona ebe e sa sebediswa dikolong matsatsing a kajeno. Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Bophelo ba lelapa lamohlolohadienwa ba ritsetsa katlase ho moo bo neng bo le teng pele. Dintho tse tshesanyane, tseo batho ba matla a lekanang le a hae ba neng bantsebaatleha hobale tsona, a sitwa hodi reka. Ka nako e nngweba ne ba bonesaka ho besa mollo; badulaba hloka sesepa sa ho hlatswa diaparo; ba eja moroho o sa tshelwang ka mafura.
Qotsong ho buuwa ka mohlolohadi. Mohlolohadi enwa ke mang?
Pheletso ya mora mohlolohadi e bile efe jwalo ka ha a ne a sebeletswa ka thata hakaale. Hlalosa ka dintlha tse PEDI.
Ketso tse ileng tsa bontsha phetoho ho mophetwa enwa (mora mohlolohadi) ke dife bathong ba Mohlakeng?
Mookotaba paleng ena ke tshwantshanyo pakeng tsa thuto ya setso le thuto ya tswelopele, le ka moo thuto ya tswelopelo e thuntheditseng setso ka teng.
a b c Ho belaela ha Mafikeng bakeng sa ho isa bana sekolong. Mohlahlobi wa dikolo. Kgama sekolong sa Phatlatshweu.
<fn>11122VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C.
O botsitswe potso tse tharo tse tswang bukeng tse tharo tse balletsweng gerata ena.
Karolo ya A, araba potso tse PEDI feela. Karolo ya B le karolo ya C, araba potso e le NNGWE feela ho tswa karolong ka nngwe.
Ha o arabile potso ya tse kgutswanyane ho karolo ya B, tiisa hore o araba ya moqoqo karolong ya C, kapa ha o arabile potso ya moqoqo karolong ya B, araba potso tse kgutshwanyane karolong ya C.
Nomora dipotsotsa hao ka nepo o be o fane ka mosebetsi o makgethe.
DITHOTHOKISO Araba dipotso tse PEDI feela karolong ena.
Dintho tsa mpa tsa itlhopisa.
Ha ho uweng pele e se morao.
Hobaneng seroki se tshwantsha Dududzile le mohaladitwe?
Qolla mantswe a hlahisang mohopolo wa seroki ka Duduzile.
Wa ya wa ya dikela ka yonaSeroki se bolelang ha se re:?
Sehalo se sebedisitsweng mona ke sa mofuta ofe Tiisa karabo ya hao ka mabaka?
Lefitori la ngwetsi Tsohle di thabetse ho kgatholoha Ho tliswang ke lefitori le lephatswana, Sello se mpa se hlaha ho mora sehwai, Mosebetsi o ne a hlophisitse o mongata, A sa tsebe ha lefitori le kgaola nako.
Lefitori le phutha bohlaswa ba ngwetsi, Athe le thabisa difofane le dikgoba, Dihlokaboya di fumana ho kasirela, Bohlaswa le bofeela bo apolwa ke letsatsi, Botle le bobe qoleng ya lefitori la ngwetsi.
Hlalosa hore hobaneng sehwai se rata motsheare ho feta bosiu. Fana ka ntlha tse PEDI.
Hlahisa dintho tse PEDI tse apeswang ke lefitori. Hlalosa hore sena se etsahala jwang.
Fana ka lelatodi la sekgoba o be o hlahise hore batho bana ba babedi ba fapane jwang. Sebedisa mohopolo o hlahellang thothokisong.
dihlokaboya 1.2.4 Qoqa ka phetapheto e hlahellang meleng ya 9 le 10 o be o fane ka mofuta wa yona. 1.2.5 Seroki se bolelang ka.
Kajeno ke kajeno Enwa mmopi o letsoho bo! Tsa hae dintho o di hlophisitse, Karohanyo ya bosiu le motsheare Ke ha e tswala phetoho ya nako; E taolong ya hae nako, o a e kganna, Ha e kgutlele morao, e ya pele, Ha e kgelohe ka thato ya motho, Kajeno ke kajeno, ha se maobane, Ha se maoba, isao kapa ngwahola, Kajeno ke kajeno. Maobane e ne e le motswadi wa kgotso, Kopano e kopane le kgutso le ntjapedi, Pitsana e pidikwe e le tshwao la kopano, Lebiding lena ho kgabile tataisano, Le nna mofutsana ke le mpanaphatloha, Ke le wa batho, batho e le ba heso, Letswalo le ntsha seboko ka mehla, E ntse le: Motho ke motho ka batho, Molebong re le mekopu e kgomaretseng, Kajeno raka le shwetswe ke molebo, Kajeno ke kajeno.
Phetapheto e hlahellang qetellong ya mola e sebediseditsweng thothokisong ee?
Kajeno re apotswe tsohle re tsotse, Bohlaswa bo hlobodisitswe, Bohlaswa bo beilwe pepeneneng, Ke ba podi, mmamesa poeyana, Re senotswe, re lahlehetswe; Lekang matsapa ohle ho kgutlisa Botho ba rona, re felle, re tene, Botho ba rona bo apeswe kobo.
Ke bua le wena, ngwana ntate, Mmamele, o akofe nako e dumela.
Mphe semeremere le tshea ke tene, Ntho ena e merokoroko e ntsieditse, E a nkimela, e mpolaisa motjheso, Nka thethana ke ena, o pate bofeela, Mesehoseho ena e o tsieditse, E o rona o fellwe ke bosotho; Nthwese kola sa lebollo, ke rutehe, Hoba se tshehetsa botho le tlhompho.
Seroki se re botho ba motho bo botjwa keng Fana ka tse PEDI?
Mosebetsi wa lehlaso temeng tsena ke ofe?
Ebe ha o tswa lebollong o tla o rutehile Hlalosa?
Karolong ena hobotsitswedipotso tse PEDI, kgetha e le NNGWE feela mme o arabe yona. Ha okgethile potso yamoqoqo karolong ena, karolong ya C otlameha ho kgetha potso tse kgutshwanyane, kapa ha o kgetha potso tse kgutshwanyane karolong ya B, o tla araba potso ya moqoqo karolong ya C.
Leru Le Lefubedu - T.W.D.
Rapolasi wa 1 : Ee, empa ntho e makatsang jwale ke hore, yena morena eo; Moshweshwe, o sa tswa hana moedi oo o entsweng ka mekolokotwane.
Rapolasi wa 111 : O batlang jwale?
Rapolasi wa 1 : O re yena eo taba ha a e kene o ne a le siyo mohlang oo.
Rapolasi wa 111 : Le a e bona he taba ya hodula majwana le batho ba sa rutehang. Ke re naha ena ke ya rona. Athe baruti ba ka moo ha hae ba tla phethisa neng mmomori wa rona. Ka mehla ke ditshepiso, ditshepiso feela.
Rapolasi wa 11 : Ba re tshepisitse hore ba tla hlokomela hore ba tla re thusa ho hapa naha ena, empa ha ho nko ho tswa lemina.
Rapolasi wa 1 : Bano bona mosebetsi ba tla o pheta empa rona ka mona re nne re e lwane. Banna, re hleng re hlahise maikutlo ana kopanong e tlang. Baruti ke ba madia rona, ha re ba tshehetseng. Moshweshwe ke a utlwa o se a le motheong, kolobetso e haufi.
Ke dife tsela tseo baruti ba neng ba ka di sebedisa ho thusa boRapolasi ho hapa naha ya Basotho Fana ka tse THARO feela?
Mohopolo o hlahellang qotsong ena o bakwa keng?
Ha o bona Moshweshwe hobaneng a ne a se na thahasello ya ho sebedisana le Maburu Fana ka ntlha tse PEDI?
Hobaneng boRapolasi ba ne ba dumela hore baruti ba tla ba thusa?
Mothating ona maemo a ditaba e ne e se e le a mofuta ofe ka Lesotho Fana ka ntlha tse PEDI?
KAPA 2.1.6 BoRapolasi ba na le seabo sefe kgolong ya diketsahalo tsa tshwantshiso ee Bontsha ka moo ba ammeng bophelo ba Basotho ka teng. 2.1.7 Hlakisa pheletso ya Maburu tshwantshisong ena o be o fane ka maikutlo a bona. 2.1.8 Rapolasi wa pele o na le tshepo ebile o dumela hore ba tla atleha. Batho ba mofuta ona ba atisa ho fetola maemo a ditaba jwang Bala puisano e latelang o nto araba dipotso?
Makwanyane : Basotho! Theang tsebe le mamele. Lesang ho nna le hlwepetsa nako e ile. Lesang ho ingamangama, shebang pele. Re betletswe tsela ho setse feela hore re e hlaolele. Re sietswe naha ke ya rona, ha re e lemeng re kgore. Morena o re sebeleditse. Ke nnete re se re kgaodisana Mohokare, empa eo taba re tla e lokisa, meloko e tla e lwanela ho ya ho ile. Morena Moshweshwe o re sietse kgotso, o re sietse pula, o re sietse nala. Leru le aparetse Lesotho, empa leru le lefubedu re le hlotse. Tsamaya ka kgotso Moshweshwe!
MATSHWAO A KAROLO YA B: Ngola moqoqo o hlahise seabo sa Moshweshwe naheng ya hae boitekong ba ho tlisa kgotso setjhabeng. Moqoqo wa hao o hlahise dintlha tse ka bang robedi. Hangata Moshweshwe ha a ne a tsielehile, o ne a dula a le mong ebe o thuisa ditaba tsa hae. Puonotshi tsa Moshweshwe di ne di bakwa keng Qoqa hakgutshwanyane?
PALE POTSO 3 O se ke wa lebala taelo tsa ho kgetha dipotso.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse botsitsweng.
Taba ya bana bana, le ha dihlakanahloohwana di ne di rata ho tsamaya di e hafaka, e ne e le pinyane eobaneng ba sa rateha batho ba baholo ba e tseba. Esita le sebakasena seo ba neng ba kopanetse ho sona se ne se se mahlong a motse. Ka bobedi ba bona ba ne ba tlohile hae ba matahantse morero wa kopano ya bona le mabaka a utlwahalang.
Kgabareng, Dibakiso a ema moo a nenga ntsea dutseteng, a atamela pela moratuwa wa hae. Jwale ba bua ba lekolana difahleho ka mahlo atotetswengke lerato. Puisanong ena, eo ba neng ba e etsa ka mantswe a bonolo bo hlollang, ha fihlamotsotso wa kgutso, ha thola ha re tu! Leratanyana le utlwahalang e ne e le la mmino o monatenate wa dinonyana, le modidietsane o mosesane wa metsi tlaase mane nokaneng feela qha.
Bapisa diketso tsa Kgama nakong ena eo a neng a ratana le Dibakiso le nakong eo a neng a utlwana le Sentebaleng ka yona. Fana ka phapang tse THARO feela.
Ke dife dintho tseo Dibakiso a neng a di etsa ho supa hore o rata Kgama Hlahisa tse PEDI?
Hlahisa diteko tse NNE feela tseo lerato la Kgama le Dibakiso di fetileng ho tsona.
Hlahisa bokgoni ba mongodi ba ho hlalosa tikoloho qotsong ena.
Ebe bobedi bo ne bo tseba moo bo yang ka lerato la bona Hlalosa?
Dibakiso e ne e le ngwanana ya tsitsitseng bothong ba hae. Hlahisa ketso tse PEDI tse pakang sena.
Ke sefe seabo sa Dibakiso kgolong ya botho ba Kgama?
Dibakiso o kgonne jwang ho ba le dikamano le ba habo Kgama?
Bala qotso o nto araba dipotso.
Ha ba se ba re hlotse, re tla iphumana re teile ka maqai a matonana, a morusu.
Mafikeng o hlahisitse ketso tse nne tseo leqai le tsejwang ka tsona. Bontsha ka moo Kgama a ilenga fetoha bothong yaba o ba seo Mafikeng a se hlalosang mona. Tshehetsa karabo ya hao ka diketsahalo.
Qoqa hakgutshwanyane o hlahise ka moo ditokelo tsa banana di neng di hatikelwa ka teng.
<fn>11123VMF2005.txt</fn>
15: di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang.
12: di a hohela, di tsamaelana le sehlooho, bongodi bo kgabane.
09: di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang.
03: Di fokola haholo.
15: Puo e balehang e bile e na le mekgabiso.
12: Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo.
09: Puo e nang le diphoso empa e baleha.
06: Puo e tletseng diphoso, mehopolo ha e hlahelle hantle.
03: Ha ho taolo ya puo mme le moqoqo wa teng o hloka tlhase.
Sebopeho: Tatelano ya mabitso: Matshwao a puo.
Mofu (mabitso ka botlalo le sefane) Letsatsi la tswalo: Tulo ya tswalo: Batswadi ba hae: Moo mofu a neng a kena sekolo. (se tlaase le se phahameng) Ho hirwa le boemo mosebetsing. Dikatleho mosebetsing. Nako eo a kopaneng le lefu ka yona. O siya bo mang ba leloko. Dintho tseo a tla hopolwa ka tsona. E ngolwe ka lekgathe lefetile E ka moya wa hae o ka phomola ka kgotso.
Tsebiso e mabapi le eng.
a b c d Tse buang ka diphoofolo.
a b c d e Bana ba rutwa boitshwaro bo botle Ba rutwa ho hlompha batswadi le batho bohle ba baholo.
Ke bosiu, hobane ho thwe ha di phetwa motsheare ba tla hlaha manaka.
Moetapele - lehlakore la botle - ya tswellisang ditaba pele, diketsahalo di etsahala ho yena kapa ka baka la hae. Mohanyetsi - lehlakore la bobe - ya tlisang kgohlano e lebisang sehlohlolong. Moqabanyi - a ka nna a qabanya kapa a tlisa kgotso. - o besa mollo pakeng tsa mahlakore a mabedi.
Ke tshomo ka matheto.
a b c d e Kodiamalla-e binwa ke ba habo mofu, ha ho hlahile lefu. Dithoko tsa ditaola-ke tsa dingaka, ha batho ba tlilo laola. Tsa marena a Basotho-ke seroki se kgethuweng ha ho rokwa/phafwa morena ka dintho tseo a di etseditseng setjhaba. Tsa makolwane-ke makolwane, ha ba etswa mophatong. Tsa ditsamaya naha-banna ba Basothoba sebetsang dimaeneng ba boledisa bophelo ba bona, ka mokgwa wa pina.
Dikarolo tsa mohobelo a b Kgoro-Ke ha ho kenwa motseng oo ho etetsweng ho ona. Banna le bahlankana ba tsamaya ka pele, mme basadi le barwetsana ba a ba latela. Kgato-Ke ha basadi le barwetsana ba etla ka morao ba ntse ba bina ka mantswe a molodi.
c d Sealolo-Banna le bahlankana ba ema ka lehlakoreng leo ba ikgethetseng lona mme basadi le barwetsana ba ema ho le shebaneng le la bona, mme ba siya sebaka pakeng tsa bona. Ho kenwa ka bonngwe sebakeng mme ya kenang o ikgethela eo a ratang hore a mo latele/hlahlame. Motjeko-Banna ba tjeka ka ho bona ba le bang ka lehlakoreng leo ba ikgethetseng lona mme ka morao ho moo ho tla latela basadi bao le bona ba tlang ho tjeka ka bo bona ka lehlakoreng la bona.
Ke ho elellwa hore o tseba dipotso le dikarabo tsohle tse botsitsweng.
Ke letswalo la hore o ka nna wa hloleha nthong eo o lekang ho e fihlella.
Ke hore o fuwe matla le bokgoni ba ho araba dipotso.
Ha ho motho ya ka phelang ha monate a hloka motswalle.
Ntate wa ngwana ya hlahileng o otlwa ka phafa ha ngwana e le moshanyana mme ha e le ngwananyana teng o tshwelwa ka metsi.
O a hlalefa.
O atisa ho qala ka ho hlalosa seo a tlang ho bua ka sona. A fane ka sebopeho sa sona hore motho a kgone ho se bopa ka kelellong ya hae. Kaekae ha a batla ho tiisa seo a buang ka sona, ebe jwale o tla fetohela ho pale (narrative) a re qoqela ka seo se kileng sa etsahala. Qetellong e be o tla kgutlela ho hlaloso a nto kwala moqoqo wa hae. O na le neo ya ho bapisa diketsahalo tsa bophelong ka mokgwa o natifisang moqoqo. Hopola mohlang batho ba neng fapanyeditsane mefokolo ya bona!
Moqoqoqng wa lefu mongodi o bapisa mosadi le ngwana. O re ha a bua ha a kgathale, o phofaka feela a sa natse maikutlo a batho ba bang. O sebedisa mantswe a kang ho loya ha a hlalosa boitshwaro ba mosadi. O kgutlela ho pale ya Efa eo ka yona ho bontshwang ka moo mosadi a ileng a eka monna ka teng, a mo kenya tsietsinga senya lefatshe.
Batho ba lwanela mahloko a bona. Mmadi o na le hona ho bona sephetephete se neng se etsahala mohlang oo. Sepetlele, o qetella o na le pono e hlakileng ka seo se etsahalang moo. Se etsahalong mohlang ho iwang hlahlobong se bonahala hantle mahlong a mmadi.
<fn>11123VMF2006.txt</fn>
Boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang. Dikahare di a hohela, di tsamaelana le sehlooho, bongodi bo kgotsofatsang.
12: Di a hohela, di tsamaelana le sehlooho.
09: Di a baleha, mosebetsi o kgabane.
06: Ho boima ho latela dintlha ka botlalo.
03: Di a fokola.
10: Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo.
09: Puo e nang le diphoso empa e baleha.
06: Puo e tletseng diphoso, mehopolo ha e hlahelle hantle.
03: Ha ho taolo ya puo mme le moqoqo wa teng o hloka tlhase.
Dintlha ka nna.
Lengolo le phahameng la thuto.
Dibaka moo o sebeditseng teng.
Ho tloha neng, ho fihlela neng?
Tsebiso e mabapi le eng.
08 Di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa.
06 Di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang.
03 Di a fokola.
Ke qalo e hlahisang theneketso ke wa ha mang, o tswalwa kae jj.
Kodiamalla ke pina e nang le sebopeho sa thoko empa feela e hlahisa maikuto a bohloko ka koduwa.
Seboko se fana ka tswalo ya hao.
thoko e roka diketso le boholo ba motho setjhabeng.
Ke thoko e rokang ba mahlomoleng.
Maele a mangata a na le moetsi le ketso. Moetsuwa le yena a ka nna a ba ngwana jetswateng.
tadi o ka mereto.
O tswejwa ka mereto ngwana tadi.
Moelelo wa ona ha o pepeneneng: o ka tseba hore lentswe le sebedisitsweng le bolelang, empa ha le hlahella maeleng le ka bolela ho hong.
monono ke mohodi ke mouwane. Na leruo o ka le tshwantsha le mouwane, empa ka moo o ikutlwang ha ho se ho senyehile eka ho apohile bophelong ha bao.
Maele a ruta: Tieho e tswala tahleho. Ho atisa ho diehela ditaba o tla fetwa ke dintho. A mang a kgalemela.
Pela e ne e hloke mohatla ka ho romeletsa. Iketsetse hore dintho tsa hao di tsamaye ka nepo.
Ha utlwa moo a tswang, setjhaba se utlwisisa moelelo wa ona haholo ho feta naheng tse ding. Leshala le tswala molora. Re tseba hantle hore le ha molora o ka tswa leshaleng, bobedi ha bo lekane ka boleng.
Difela: Di fapane le dithoko hobane mona ya buang o hlahisa maikutlo a hae ka tsa hae. Dithoko di lebiswa ho ba bang yena o lokodisa ditaba ho hlahisa letshoho la moo a yang, e leng moo a sa tsebeng. O tsamaya tjena ka baka la mosebetsi. O tlohela babo morao, o ya moo a sa tsebeng. Ha a tsebe hore moo ba tla mo tshwara jwang. O a itela hobane o batla sena seo a se batlang. Mohlala ke diparolathota kapa ditsamayanaha. Maikutlo a fatshe, ka nako e nngwe ha ho le ba mo mametseng. Bona ka tereneng ka moo ba ithoka mmoho. Mohlala: Ha re ya lejweleputswa.
Re tseba ho ipehela dijo, re tle re di sebedise nakong e tlang Ho jwalo feela, ebile tse ding tsa tsona di tseba hona ho feta diphoofolo tse ngata.
Di hula dijo tsa tsona mobung, manyolo ana ao re a lemang di a tjheha, di nto tshwasa.
Ka ho emela tse ding hore di di sebeletse di nto ja ho tsona. Di ala metsu ya tsona hodima ya tse ding. Ka nako e nngwe di qetella di bolaile tseo. Tse ding di hlwa hodima tse ding.
Di tlisa botle le kgutso bophelong a rona. Di fana ka dijo. Di phedisana le rona.
Peo ya tsona e haswa hohle ke moya. Diphoofolo di a e tsamaisa ntle le ho lemoha hoo.
Nako: O hlahisa tsela eo nako e fetolang bophelo ba rona. Re laolwa ke nako sebakeng sa hore e laolwe ke rona. Batho ha ba bona ho na le diphetoho bophelong ba bona ka baka la nako, ba hloleha ho di amohela.
Motho e mong le e mong o tseba hantle hore moo re yang ke lebitleng, empa ho thata ho itokisa ha o se a lebane le pheletso ya leeto leo.
O re ho kotsi ho arola nako ka dikoto, hobane pheletso ya haufinyane e ka o bakela mahloko.
Phetoho: Ho boima ho bona ha dintho di ntse di fetoha. Re lakatsa ho dula tikolohong eo re e tlwaetseng. E tlisa botsitso. Ha o bona diphetoho di etsahala pela mahlo a hao. O di utlwisisa ha bonolo. Ha o ka tsamaya yaba o kgutla dintho di fetohile, hoba boima ho utlwisisa se etsahalang diphetoho di tsamaelana le kgolo moyeng le bothong. O ba le hona ho utlwisisa ditaba ka tsela e fapaneng.
Hlahlobo: O bua ka letswalo, ka moo le ka etsisang motho diphoso ka teng. Le ka o lebatsa seo o se tsebang. Le ka o fetola sethotho.
O tseba ho le hokae Ena e kenyeletsa bohlokwa ba ho itokisa. O keke wa ya dinthong ntle le ho itokisa ho re o tle o sebetse hantlenyana le ka moo o neng o ka sebetsa ka teng?
Dimela: Bohlokwa ba tsona. Ha re e hlokomela e tla re hlokomela.
hlahisa botle ba: tlhaho Tshebedisanommoho, ba bophihlelo, ba boiketsetso, ho phedisana. O bontsha hore ho ntse ho na le ba babe hara ba batle. Ba bang ba batla ho nka taolo ya dintho.
<fn>11123VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO e leng A, B le C.
Karolo A araba potso e le nngwe, Karolo B araba potso e le nngwe ho tswa potsong ka nngwe ebe ho Karolo C o araba potso e le nngwe feela.
Karolo ya C ho botsitswe dibuka tse pedi, kgetha buka e le NNGWE feela mme o arabe potso e le NNGWE ho yona.
Bala dipotso kaofela ka hloko pele o qala ho ngola.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka dipotso tsa tsona.
Hao tshaba, otshabe motswalle. Tiisa kapao hanane le taba ena.
Dilemo tse leshome tsa demokrasinaheng ya rona. Qoqa ka dintle le melemo e tlisitsweng ke demokrasi Afrika Borwa.
Dithethefatsi di ka senya talenta kapa bophelo ba batho. Tebisa maikutlo a hao ka taba ena.
Thelevishene ke sera kapa motswalle wa bana. Hlakisa dintle le dimpe tsa yona baneng ba rona.
Sehloho sa ho se tsebe.
Ngolla motswalle wa hao lengolo o mo tsebise ka moo o leng maswabi ka teng ha o sa ka wa finyella moketeng wa letsatsi la hae la tswalo.
Ngolla majoro wa motse wa heno lengolo o tletlebe ka matlakala a tletseng diterateng mmoho le dipeipi tse dutlang tse tsamaisang dikgwerekgwere.
Sebolelo: Mme, ke na le taba eo ke batlang ho o bolella yona. Thabiso o re o a nyala. Mmasebolelo: Eng O bua ka letlakala leo la letahwa Ntshetsa puisano ena pele?
Kgetha e le NNGWE feela ho tse tharo tse latelang. Bolelele ba karabo ya hao bo se fete leqephe le le LENG.
O moetapele wa sehlopha sa basebetsi lebenkeleng le leng la diaparo mme ho na le diaparo tse senyehilengtse sa lokelang ho rekiswa. Ngolla basebetsi memorantamo o ba hlokomedisang phoso ena le hore ba kgutlisetse diaparotse jwalo setorong hanghang.
Malomao o hlokahetse. Re kopa hore o mo etsetse obitjhuari.
O mongodi wa sekolo se phahameng. Ngola tsebiso e yang ho mesuwe kaofela ya sekolo oetsebise ka kopano e tlang ho ba teng. O se ke wa lebala lenanetsamaiso.
Bala diqotso tse latelang ebe o araba dipotso.
Tshomo ke mofuta wa ditaba o tshwanang haholo le pale. Ditaba tsa teng di atisa ho ba tsa nnete, tse etsahetseng kgalekgale setjhabeng seo di qoqwang ho sona, mme ba di phetang baa di kgolwa. Ke ditaba tse mabapi lebodumedi, boloi, bongaka, jwalojwalo. Tse ding ke mehlolo, ha tse ding di hlalosa tshimoloho ya lefatshe, bophelo, kapa lefu, mme tse ding tsona di bontsha matla a bomodimo.
Fana ka mehlala e MENE ya ditshomo.
Sepheo sa ho ruta ditshomo ke sefe Fana ka dintlha tse HLANO feela?
Nako eo ditshomo di phetwang ka yona ke efe; hona hobaneng?
Ngola mokgabiso o le MONG o fumanwang tshomong.
Mokwallo/Pheletso ya tshomo ke efe?
Bala qotso mme o rabe dipotso tse e latelang.
Dithoko, ha mmoho le ditshomo, ke yona mekgwa ya pele ya ho bolela ditaba tsa bophelo le bosetjhaba ba Basotho. Le ha ho lejwalo, mekgwaena e fapane haholo. Ho roka ke ho bokotsa kapa ho rekenetsa kapa ho rorisa motho kapa phoofolo, kapa ntho, kapa ketsahalo e hapileng seroki maikutlo. Ka nako tse ding ke tsa ho soma le ho nyefola se sa rateheng setjhabeng. Ke ka baka leo dithoko di atisang ho ba boiqapelo ba nako le motsotso, ho ya ka moo seroki se susumetsehang ka teng.
Bolela mefuta e MEHLANO ya dithoko tsa boholoholo o be o bolele hore di ne di etswa ke bomang, tlasa maemo afe a ditaba?
Boithabiso bo boholo ba banna ba sa leng batjha mme ba le matla, ha mmoho le bahlankana, e ne e le mohobelo...
Fana ka dikarolo tsa mohobelo, o be o hlalose karolo ka nngwe.
Bala diqotso tse latelang ebe o araba dipotso.
Hoba dintho tseetsahalang ka hlahlobong, ngwaneso, ke tse ding letsona. O a kena mme o simolla ho lwana, hobane ke ntwa ya nnetennete. Ha dipotso di shebane le wena mohlomong o a bososela, hobane o tseba yona palo e hlokehang feela. Mohlomong ho lefifi, ho re tsho! Mofufutso o thunya phatleng mona le ha e le mariha, ho bata. Horeo yentle le hamohlomong o ne o ile teng pele o eso kene ka hlahlobong-o a thalatsa, o sheba kwanalekwana. Qetellong o a inehela.
Mohlomong o tseba dipotso kaofela hoo o sitwang ho kgetha. Ho feta metsotso o sa tsebe na o tla etsa jwang. O a qala. O a behisa. Na ekaba bolekehadi bola bo beilweng mona bo ntse bo tshwere nako, kapa qheku lela le dutsengpelabona le ntse le bo sotha hobane lona le se le hopotse ho ya hae!
Nehelana ka sehlooho sa moqoqo ona.
Motho ya ngolang hlahlobo o bososediswa ke eng?
Hobaneng motho ya yang hlahlobong a eba le letswalo?
Bolekehadi boo ho buuwang ka bona ke eng?
Pele motho a qala ho ngola hlahlobo, ke eng se etsang hore a rapele?
Dihlahlobo tseo motho a kopanang le tsona ke dife?
Bophelong hlahlobo ya ho qetela e bitswang?
Ho thata ho hloka metswalle. Nka hla ka re, ka dinako tsohle re ntse re ena le metswalle le ha mohlomong e ye e ke hae yo ka nako tse ding.
Ngwaneso, ha o hlaha lefatsheng lena o fihla o se o ntse o ena lemetswalle e o lebelletseng, e thabang ha o fihla, e didietsang, etshelang ntatao ka metsikapa e mo shapang ho beha hore o fihlile. O a holahola, o a kgasa, o a tsamaya, ha o kgase o lemong, o kgasa lemoshanyana kapa ngwananyana wa ntlo e bapileng le yeno, kapa le motswalao. O hlaha mahlo mme o iphumana e se e le metswalle ya hao.
Le a hola kaofela. Le utswa mahe, le thuha difenstere, le utswa diperekisi Le a tshwarwa, le a shapuwa. Nako e ntse e tswela pele. Ka le leng la matsatsi le romelwa sekolong. Le yateng kaphatlatse benyang, ka meomo e hlatswitsweng, maoto a kutleditsweng, dihempe tse konopetswenghantle; e, le onamatlapa a hlatswitsweng hantle ao le ilo takaka hodima ona.
Ke eng se etsang hore ho hloka metswalle ho be thata?
Ho etswang ha ngwana a hlahile?
Ke bofe bohlokwa ba hore ntata ngwana a tshelwe ka metsi kapa a shatjwe ha ngwana a hlahile?
o hlaha mahlo5.1.
Meqoqong e hlahellang bukeng ena ho hlahella setaele se itseng sa bongodi.
Mokgwa oo mongodi a hlahisang ditaba tsa hae ka wona o a ikgetha. Qoqa ka tse latelang ho hlalosa bongodi ba hae.
<fn>11123VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO, e leng A, B, le C tseo o tlamehang ho di araba.
Bala ditaelo tsa karolo e nngwe le e nngwe.
Basotho kapa Pelong ya ka.
Kgetha potso e le NNGWE feela bukeng eo o e badileng.
Ngola moqoqo ka se le SENG sa dihlooho tse latelang. Bolelele ba moqoqo bo se fete LEQEPHE LE HALOFO.
Barutwana ha ba sa na thahasello dithutong tsa bona.
Manyaloakajenoa hloka lerato, botshepehi le boitelo. Tse ding tsa diketso manyalong di susumetsa banyalani tlhalanong. Ngola moqoqo o itshetlehile hodima sehlooho sena: Lenyalo le lokela ho fediswa.
Boetapele ke mosebetsi o boima, o hlokang boitelo, mamello le kelello e tjhatsi. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Ha nka ba moetapele wa naha.
E ne e le mafelo a kgwedi, ka Labohlano bosiu, re le tseleng e lebang hae ha mapolesa a tla re tshwara Qetella ditaba tse ka hodimo o nto iqapela sehlooho bakeng sa moqoqo wa hao.
Lekola setshwantsho sena o ntano ngola moqoqo ka sehlooho sena: Botlokotsebe naheng ya rona.
Shebisisa setshwantsho se latelang o nto ngola moqoqo ka sehlooho sena: Mmuso wa rona o sebetsa ka thata ho kgotsofatsa setjhaba.
Kgetha lengolo le le LENG kapatema ele NNGWEho tse botsitsweng. Bolelele bo se fete LEQEPHE ha ho ballwa hlooho le qetelo.
Ngolla mosuwehlooho wa sekolo sa henolengolo o mo kope tumello ya ho sebedisa mabala a dipapadi matsatsing a phomolo.
Ngola lengolo la boitsebiso (CV) ka tse latelang: dintlha ka wena, seo o ithutetseng sona, boiphihlelo ba hao mosebetsing, mesebetsi ya tlatsetso le bopaki (batho ba o tsebang).
Sebedisa setshwantsho sena ho memela motswalle wa hao moketjaneng o mabapi le sona.
Kgetha tema e le NNGWE feela, bolelele ba yona bo se fete LEQEPHE.
Sekolo sa heno se tjametswe ke mathata a tsa thuto. Tsebisa batswadi ka kopano ya tshohanyetso e tla tshwarwa. O se lebale lenanetsamaiso.
Ngolla ba lekgotla la tlhokomelo ya diphoofolo (SPCA) memorantamo oo ho wona o tletlebang ka tlhekefetso / dipolao tse nyarosang tsa dintja.
Matsatsing a phomolo a mariha o tla etelwa ke motswalle ya tswang mose. E tla be e le kgetlo la pele a etela Afrika-Borwa. Ngolatayari ya matsatsi a mahlano, o hlalose hore o ikemiseditse ho mo thabisa jwang.
E ne e le tlwaelo horemorenaa ithoke ha sebakase hlahile, a rokwe ke e mong kapa ba bang ba kgethetsweng ho ba diroki tsa moreneng ka baka la tsebo le bokgoni ba bona ho phafa ba lokelwang ke tlotlo. E nee le mosebetsi wa seroki sa morenengha ho etellwa morenapele, mohlomongha aeya kgotla, kadithoko tsetshwanetseng. Mona seroki se atisa ho qala kaho bolelaeo a mo rokang, a be a bolele lebatswadi kapa baholoholo ba hae le moo ba hlahang teng. Sena se hopotsa ya rokwang hore baholoholo ba hae e ne e le batho ba hlomphehang setjhabeng, mme semo kgothalletsahobafutsa kadiketsole dipolelo tsa hae. Kgubungya ditabahe ke moo momamedi a utlwang hore morena o rokelwang. Seroki se tla tsebisa ka diketsahalo tsa bohlokwa; se hlahise ditletlebo le dikopo tsa morena ho setjhaba sa hae; se hlahise le tsona dipelaelo tsa setjhaba, kapa se bolele dithoholetso le thoriso ka tseo morena a thabisitseng setjhaba ka tsona. Mantswe a seroki a ho qetela a atisa ho sa hlake hantle hobane jwale o se a thenthetsa, a tlala, maikutlo a phahame.
Fana ka mefuta e MENE ya dithoko o be o e hlalose.
Fana ka sebopeho sa thoko.
Kodiamalla e fapane jwang le dithoko tse ding?
Hlahisa mefuta ya masapo e sebediswang e le ditaola.
Fana ka matshwao a maele, ebe letshwaong ka leng o fana ka mohlala.
Qoqa ka difela o bontsha hore di fapane jwang ho dithoko.
Pelong ya ka - S.M.
Bala temana e latelang o tsebe hoaraba dipotso.
Empa le hara dimela ho ntse ho le teng tse qetwang ke botswa, tse sa tsebeng ho itshebeletsa, tse ikemiseditseng ho phela ka bonokwane le bohlola. Ditlohela tse ding di mele, mme e re ha tseo di hotse hantle, tsona di fihle di mele hodima tsona, metso ya tsona e kene kutung yatseo tse ding mme dianye dijo tsohletse monngwangmobung ke metso ya dimela tseo tseding, qetellong di be didi bolaye. Hoba le haradimela taba ya ho lwantshana, ho leka ho fedisana, e kgolo. Ha o kena hara moru, o shebisisa hantle, otlafumana hore le ha ho thotse jwalo, ntwa e kgolo. Tsedingdi bolaya tse ding jwalo ka ha re qeta ho bolela, tse ding di ithata ka tse ding di sa di bolaye, di mpa di hopotse hodimo kganyeng; tse ding di hlwa hodima tse ding ka meutlwa. Tse ding di se di ithutile nnete eo batho ba bangata, le ditjhaba tse ngata di eso e elellwe, e leng nnete yahore ho thusana ho molemo ho feta ho lwantshana. Se seng sa dimelase fa se seng hoo se nang le hona, mme se fuwang le sona se fa mofi seo a se hlokang. Di iphelela jwalo ka kgotso. Bohlale bo tsotehang!
Mongodi o re dimela di a phela empa e seng jwalo ka batho. Hlalosa hona ka ho di bapisa le batho. O hlahise dintlha tse NNE.
Mongodi o re dimela tse ding di qetwa ke botswa, ha di tsebe ho itshebeletsa. Ebe dimela tse di phela jwang?
Fana ka mesebetsi e MENE ya dimela, e tlisang thabo bophelong ba rona.
Hobaneng re rorisa Ramasedi ka ho re fa dimela Fana ka ntlha tse THARO feela?
Sebedisa meqoqo e latelang ho fana ha maikutlo a mongodi a mabapi le bophelo ka kakaretso.
<fn>15yr_tabloid_sotho.txt</fn>
etsa Tekolo ya Dilemo tse Leshome le Metso e Mehlano.
mane ya ditherisano.
ba mmuso ka Phato 2008.
Ha re ne re fumana tokoloho ka 1994, batho ba Afrika -Ha re ne re fumana tokoloho ka 1994 batho ba Afrika...
tsa pakeng tsa baemedi le baahi ba naha.
phetso tsa ho thaotha le ho boloka batho bao ba ba hlokang.
Ka moo phamfolete ena e ka sebedi swang ka teng sa ntlafalang?
sebetsang mmoho ka tsona ho ntshetsa pele dintho?
holo ho se lekane, bofuma le kgethollo. O ne o lokela hape le ho busetsa naha dikamanong tsa ona le dinaha aparteiti.
Haesale ho tloha ka 2004, tsepamiso ya maikutlo e bile matlafatsong ya demokerasi le ntlafatsong ya tshebetso ya mmuso.
Diphetoho tsa demokerasi ditheo tse matla le ditshebeletso tsa toka le boahlodi tse ikemetseng.
Ho ntshetsapele puso e tsamayang hantle haholo boona o ne o lokela ho sebetsa hantle haholo mme o fane ka tshebeletso e ntlafetseng.
betsi e tlisang tshepo le ho rarolla diphephetso.
ho thusa dinaha tse ding.
Mme jwale, ka mora dilemo tse ya lona.
nakong e fetileng.
empa ho ntse ho hlokeha ditharollo tse ding tsa nako e telele.
Ho nyolla kuno ya mafutsana ho fokotsa palo ya batho ba fumanang kuno e tlase haholo.
Katoloso ya phihlelo ya ditshebeletso long.
bo sa feteng dikilometara tse 5 ho tloha dibakeng tsa bophelo bo botle.
000 ho ya mafelong a bo-1990 ho ya ho palo e ka bang 5 000 ka 2007.
Ho atolosa ho ba beng ba matlotlo ha fana ka matlo ho baahi ba naha ba ka bang 9,9 miliyone.
R12,5 biliyone ho baamohedi ba ka bang 1,4 miliyone le dithuso tsa tshehetso tse ka etsang R15,2 biliyone.
poraefete tsona di ka hodimo ho feta pele.
nete ba hore ho ba le tlhodisano le ho beha ditheko ke difeme tse kgolo tse ntseng di le ka hodimo ikonoming ya rona.
le 27% botsamaising bo phahameng.
le batho ba hlokang mesebetsi ekasitana le bao ba nang le bokgoni bo bonyenyane.
Merero e meng ya bohlokwa e lokelwang ho elwa hloko ka mokgwa o ikgethang hahiso tse fokolang ka kakaretso.
se lekane ha kuno ha ho a ka ha theoha mme mekgeng e meng teng ho ile ha eketseha.
Merero e meng ya bohlokwa e lokelwang ho elwa hloko ka mokgwa o ikgethang shitse bofokodi ikonoming ya rona e leng bo e thibelang ho hola ka potlako ka ho ya ka moo sa ho shebana le ona.
bobedi a tla ba le sephetho se seholo ho ena le a manyenyane a mangata.
a ho tshehetsa temo a bontshitse ntlafalo butlebutle.
Kgolo le ho botjwa ha leruo eng sa ho fokotsa bofuma le tlhokeho ya mosebetsi ho ya ho 2014, kgolo ya ikonomi e lokela ho ba ho palohare ya 4,5% ka selemo ho tloha ka 2004 ho fenya dintho tse thibelang ikonomi ho hola ka potlako.
Botsitso moruong o moholo sekoloto sa ona ho tloha ho palo e ka etsang halofo ho ya ka tlase ho 20%.
Tshireletso tlhekefetso tsa ditokelo tsa botho tlasa aparteiti.
ntlafatsa taolo meeding ya naha.
Ho lokisa dikamano le lefatshe lohle a ile a hola ho tloha ho 17 ho ya ho 45.
helang le ho hlophisetsa Pan African Parliament mme ya thusa tshebetsong ya lefatshe lohle le dinaha tsa Afrika.
Merero e meng ya bohlokwa e lokelwang ho elwa hloko ka mokgwa o ikgethang eketsehileng ya thuso, tshebediso e ntle ya tsona le diketsahalo tse nang le nyalano.
diphephetso tse ikgethang.
tse kgahlanong le bahlanka ba phahameng.
Ka mora ho fetola ditheo tsa toka le botlokotsebe, tsepamiso ya maikutlo e bileng tabeng ya ho di etsa hore e be tse sebetsang hantle haholo mme tse tla fokotsa botlokotsebe.
Diphetoho ho bohle.
Ho fokotsa botlokotsebe le ho matlafatsa polokeho merusung e mpe ka ho fetisisa ka botlokotsebe.
Na o nahana hore ke dife dintho tsa bohlokwa haholo tseo mmuso o ka di etsang ka ho sebetsa mmoho le lona?
tsa kgethollo e thusitse ho ntlafatsa maphelo a bona.
Tsepamiso ya maikutlo hodima basadi, bana, batjha le batho ba sa itekanelang le mananeo.
Sephetho sa mananeo le maano poraefete yona e salletse morao mabapi le hona.
bolela hore basadi le bana ba bangata ba tla una molemo. Phihlelo ya metsi, motlakase le dikgokahano ka mehala ho tlisa phapang e kgolo ho basadi malapeng ao dihlooho tsa ona e leng basadi.
ka 2001 ho ya ho 28 165 ka 2007. Palo ya bana ka 2006.
Merero e meng ya bohlokwa e lokelwang ho elwa hloko ka mokgwa o ikgethang ntse e le phephetso e kgolo haholo.
ya mmuso le ya poraefete ho tlase ho feta ka sekgahla se potlakileng sa kgolo le ntshetsopele.
naha di kgone ho fetela kgolong le ntshetsopeleng e haholo o nang le ntshetsopele.
Ho potlakisa kgolo le ho fetola ikonomi betsi le bofuma. Hodima moo, bokgoni ba naha ba tle re kgone ho hola ka potlako, re be le mesebetsi bokgoni bo bonyenyane, ho etsa bonnete ba hore netefatsa hore ho ba le maemo a tlisang katleho reng. Hape ho na le tlhokeho ya ho ntshetsapele mananeo a ikonomi ya bobedi a tla ba le sephetho se seholo.
Ho lwantsha bofuma hlahisang. Ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi ke ntho ho batla mosebetsi.
ho eketsa menyetla ya batho ya ho kena mmarakeng na le bokgoni bo boholo ba ho fedisa bofuma.
boikarabelo ba ho hlompha ho amoheleha le bolaodi ba ditheo tsa puso.
thusa ho ntshetsapele dikgahleho tsa rona tsa naha le ho sebedisa mehlodi ya rona ya thuso bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele ya bo-Afrika.
<fn>2000-04-sesotho.txt</fn>
MOLAO Ho kenya tshebetsong karolo ya 9 e balwa le karolwana ya 23 ya Shejulu ya 6 ya Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996, bakeng sa ho thibela le ho hanela kgethollo e leeme mmoho le tlhekefetso; ho kgothaletsa tekano le ho qeta kgethollo e leeme; ho thibela le ho hanela dipuo tsa lehloyo; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le hoo.
Afrika Borwa hape e na le ditlamo tsa matjhaba lekaleng la ditokelo tsa botho tse kgothaletsang tekano mme le thibela kgethollo e leeme.
K. ya 16 e nkelwa sebaka ke k. ya 1 ya Molao wa 52 wa 2002.
K. ya 31 e nkelwa sebaka ke k. ya 3 ya Molao wa 52 wa 2002.
molawana' ho bolelwa molawana ka ho ya ka Molao ona; 'moarabi' ho bolelwa motho ofe kapa ofe eo ho bulwang nyewe kgahlanong le yena ka ho ya ka Molao ona; 'mokga' ho bolelwa mokga ofe kapa ofe oo ho buuwang ka ona karolong ya 29, mme o kenyelletsa le mekga e lohothwang Shejulung; 'thobalano' e kenyelletsa intersex; Tlhaloso ya ''thobalano' e kentswe ke k. 16 (b) Molao wa 22 wa 2005.
Molao ona' o kenyelletsa molawana ofe kapa ofe o entsweng ka ho ya ka Molao ona. Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 1: 1 Loetse 2000.
ho thusa ho ntshetsa pele mokgwa wa tatelo ya ditlamo tsa melao ya matjhaba ho kenyelletswa le ditlamo tsa selekane ka ho ya ka, hara tse ding, Seboka sa Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo ya Borabe le Seboka sa Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo Kgahlanong le Basadi.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 2: 1 Loetse 2000.
Tlhekelo, maikemisetso le metheo e tataisang ya Molao ona, ka ho phethahatsa moya, sepheo le maikemisetso a Molao ona.
molao o tshwanang wa matjhabeng.
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang kapa ya hlalosang Molao ona o lokela ho ela hloko moelelo wa ngangisano le sepheo sa Molao ona. Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 3: 1 Loetse 2000.
ntshetsopele ya botsebi le bokgoni bo ikgethang bakeng sa batho ba sebedisang Molao ona ho netefatsa hore o kengwa tshebetsong le ho tsamaiswa hantle haholo.
Ho ba teng ha kgethollo e latelang mokgwa o itseng le ho se lekane, haholoholo tabeng tsa borabe, bong le kgolofalo maemong ohle a bophelo ka baka la kgethollo e leeme ya nakong e fetileng le ya ha jwale, e tlisitsweng ke bokoloniale, aparteite le hore matla ohle a be bathong ba banna; le tlhokeho ya ho nka mehato maemong ohle ho fedisa kgethollo le ho se lekane hoo. Mohla wa ho kena tshebetsong ha karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Molao ona o tlama Mmuso le batho bohle.
Ha ho ka ba le kgohlano efe kapa efe e amanang le taba e leng Molaong ona, e leng e tla hlahella pakeng tsa Molao ona le dipehelo tsa molao ofe kapa ofe o mong, ntle le Molao wa Motheo kapa Molao wa Palamente o fetolang Molao ona, dipehelo tsa Molao ona ke tsona tse lokelang ho sebetsa.
Mosebetsing, 1998 (Molao wa 55 wa 1998), o sebetsang. Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 5: 1 Loetse 2000.
Mmuso kapa motho ofe kapa ofe ha a tshwanela ho kgetholla ka leeme kgahlanong le motho ofe kapa ofe. Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 6: 1 Loetse 2000.
kganyetso ya phihlelo ya menyetla, ho kenyelletswa le phihlelo ya ditshebeletso kapa menyetla ya ditumellano tsa ho fana ka ditshebeletso tsa ho ela hloko, kapa ho hloleha ho nka mehato ya ho amohela ditlhoko tsa batho ba jwalo ka mokgwa o utlwahalang.
mokgwa wa ho se lekane ditabeng tsa ho fihlela menyetla ke basadi ka lebaka la karohano ya ho ya ka bong mosebetsing.
ho hloleha ho fedisa ditshita tse behang meedi e leeme kapa tse sitisang motho ya holofetseng ka mokgwa o leeme hore a se natefelwe ke menyetla e lekanang kapa ho hloleha ho nka mehato e utlwahalang e tla akaretsa ditlhoko tsa batho ba jwalo.
kgothaletsang kapa a susumetsang hore ho be le lehloyo.
Ntle le ho kgetholla mekgwa efe kapa efe ya tokiso ya mofuta wa boahi tlasa Molao ona, lekgotla le ka re, ka ho ya ka karolo ya 21 (n) le moo ho tshwanetseng, la romela taba efe kapa efe e buwang ka phatlalatso, tshehetso, ho hasa kapa ho bua ka dipuo tsa lehloyo jwalo ka ha ho lohothwa karolwaneng ya , ho Molaodi wa Botjhotjhisi ba Setjhaba bo nang le matla a ho qala nyewe ya botlokotsebe ka ho ya ka molao wa tlwaelehileng wa common law kapa melao e tshwanetseng.
Ha ho motho ya lokelang ho hlekefetsa motho ofe kapa ofe e mong.
b phatlalatsa kapa a pepesa papatso efe kapa efe kapa tsebiso, tse ka nkuwang ka mokgwa o utlwahalang kapa tsa utlwisiswa di bontsha maikemisetso a hlakileng a ho kgetholla ka leeme kgahlanong le motho ofe kapa ofe: Ha fela tshebetso eo e bona fide ya tshibollo ya bonono, dipatlisiso tsa akademiki le tsa saense, tlaleho e se nang leeme hape e nepahetseng molemong wa setjhaba kapa phatlalatso ya tlhahisoleseding efe kapa efe, papatso kapa tsebiso ka ho ya ka karolo ya 16 ya Molao wa Motheo, ha e thibelwe ke karolo ena.
moarabi o tshwanetse ho hlahisa bopaki, dintlheng tse ka pela lekgotla, hore kgethollo ha ya ba teng jwalo ka ha ho na le menyenyetsi; kapa moarabi o tshwanetse ho hlahisa bopaki ba hore boitshwaro ha bo a thehwa hodima le leng kapa a mang a mabaka thibetsweng.
ha bo bong kapa a mang a maemo a beuweng temaneng ya (b) ya tlhaloso ya 'mabaka thibetsweng' a ka hlwauwa; le ii ntle le ha ebe moarabi o hlahisa bopaki ba hore kgethollo eo ha e leeme.
Ha se kgethollo e leeme ho nka mehato e radilweng bakeng sa ho sireletsa kapa ho ntshetsa pele batho kapa dihlopha tsa batho ba tinngweng menyetla ke kgethollo e leeme kapa ditho tsa dihlopha tse jwalo kapa dihlopha tsa batho.
hore na kgethollo e fapanya ka mokgwa o utlwahalang hape o ka lokafatswang pakeng tsa batho ka ho ya ka mekgwa e ka hlwayang, e leng ya bohlo Ketsong e amehang.
rarolla ho tingwa ha menyetla ho ba ng kapa ho amanang le e nngwe kapa a mang a mabaka thibelo; kapa ii ho ananela ho fapafapana.
Tabeng ya dipuo tsa lehloyo le tlhekefetso karolo ya 14 ha e sebetse.
v ho hula kapa ho fapanya tsebiso efe kapa efe tlasa temana ena: Ka ntle ha eba ditsamaiso dife kapa dife tse teng pele ho lekgotla la tekano a sa phethelwang ka nako eo ya phatlalatso ya tsebiso Koranteng ya Mmuso jwalo ka ha ho nahannwe temaneng ena, e phethelwe ke lekgotla leo, e ka tsebiso e jwalo ha e eso phatlalatswe, mme.
Temana ya (c) e emetswe ke s. 28 ya Molao wa 55 wa 2003.
d hlooho ya lebatowa la taolo le rerile temaneng ya c e lokela ho, ho ya ka karolwana ya 2, e hlwauwe ka ho ngolla makgisetareta ofe kapa ofe kapa makgisetereta e mong hape e le mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano.
a pele ho mohla wa ho qala wa karolo ya 31; kapa e le e nahannweng karolong ya 31 , eo lebitso la hae le kenyeleditsweng lenaneng le nahannweng karolwaneng ya (a), e ka nna ya hlwauwa jwalo ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya.
phetha ka mabaka ohle ho ya ka mehlodi e teng ho hlwaya mohlanka wa mmuso ya okametseng bonyane a le mong feela ho ba lekgotleng la tekano sebakeng sa hae sa puso ya molao; le ka ntle ho tieho, Molaodi Kakaretso wa Lefapha wa moahlodi, makgisetareta kapa makgisetaretata ya kenyeleditsweng ofe kapa ofe ya phethileng dithuto tsa thupelo jwalo ka ha ho nahannwe karolong ya 31 le kapa ya hlwailweng ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya.
phethileng thuto ya thupelo jwalo ka h a e nahannwe karolong ya 31 le ; kapa hlwailweng e le mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya.
Mohlanka wa mmuso o lokela ho phetha mesebetsi a be a sebedise matl a o a nang le ona ho ya ka Molao ona kapa molao o mong hape.
Ditlelereke tsa makgotla a tekano a Ho ya ka karolwana ya 2 le melao e busang tshebeletso ya setjhaba, Molaodi Kakaretso wa Lefapha a ka nna a , mabapi le lekgotla le leng le le leng la tekano, kgetha kapa ho hlwaya mohlanka wa mmuso a le mong kapa ba bangata Lefapheng, kapa a ka nna a kgetha motho kapa batho ba bangata ka ho ballwa le ka mabaka balletsweng, e le ditlelereke tsa lekgotla la tekano, ba lokelang ho thusa lekgotla ka kakaretso leo ba sebetsang ho lona ho phetheng mesebetsi ya lona le ba lokelang ho phetha mesebetsi jwalo ka ha e balletswe.
Temana ya (a) e emetswe ke s. 2 (a) Molao wa 52 wa 2002.
Ha eba tlelereke ya lekgotla la tekano a ka hloleha ho ya ka mabaka fe kap a fe ho sebetswa jwalo kapa ha ho se na tlelereke e sa kgethwang kapa ya hlwauwa mabapi le lekgotla la tekano lefe kapa lefe ho ya ka temana ya (a), mohlanka wa mmuso y a mehang a ka nna a re, le ka ntle ho karolwana ya , kgetha mohlanka wa mmuso ofe kapa ofe ya kgonang Lefapheng hore a sebetse e le tlelereke sebakeng sa e mong ha feela tlelereke eo ho buuwang ka yona e sitwa ho sebetsa kapa ho fihlela tlelereke e kgethwa ho ya ka temana ya (a), jwalo ka ho ka etsahala.
Temana ya (b) e emetswe ke s. 2 (a) Molao wa 52 wa 2002.
a pele ho mohla qalo ya karolo ya 31; kapa jwalo ka ha ho rerilwe karolong ya 31 , le eo lebitso la hae le kenyeleditsweng lenaneng le rerilweng karolwaneng ya , a ka kgethwang kapa a hlwauwang jwalo ho ya ka karolwana ya (a).
Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 2 (b) ya Molao wa 52 wa 2002.
phethileng dithuto tsa thupelo jwalo ka ha di rerilwe karolong ya 31 ; kapa hlwailweng kapa a kgethilwe e le tlelereke ya lekgotla la tekano ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (a). Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 2 (b) Molao wa 52 wa 2002.
Molaodi Kakaretso a ka nna a re, ho ya ka maemo ao a k a lekanyetsang, ka ho ngolla moromowa ho mo fa matl a fe kap a fe ao a nang le ona ke karolo ena ho mohlanka wa mmuso ya thotsweng ke Lefapha, empa a ke ke a fuwa matla afe kapa afe ao a filweng, mme a ka fetola kapa a behela ka thoko qeto efe kapa efe ya moromuwa ka ho phethisa matla a hae a jwalo.
Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 29 ya Molao wa 55 wa 2003.
Ho ba teng ha dipaki le tefello ya dinyeweng tse bang teng ka lebaka la ho sebediswa ha Molao ona e lokela ho lekanyetswa ke Letona ka tsela e balletsweng.
sebaka sa puso ya molao, ho ya ka karolwana ya , ho ya ka hore ha ho thuso efe kapa efe e entsweng melawaneng e karolong ya 30 ya Molao ona.
Ditsamaiso tsohle tse ka lekgotleng di lokela ho tsamaiswa pepeneneng ya lekgotla, ka ntle ha lekgotla le eletsa ka tsela e nngwe ka ho sireletsa ditabatabelo tsa taolo ya toka.
a Ho ya ka temana ya b, ha ho letho Molaong ona le thibelang ho ba teng ha lekgotla la makgisetareta e le lekgotla la tekano ho tloha ho etseng taelo e rerilweng karolong ya 21 2, e fetang sebaka sa puso ya molao sa ditjhelete sa lekgotla la makgiseterata, leo ka lebaka lena le lokelang ho nyehelwa ka mokgwa o balletsweng moahlodi wa Lekgotla le Phahameng ya nang le matl a molao ho tiisa.
Mosebetsi wa temana ya (a), o tsamaelanang le tiiso ya taelo, o fanyehilwe ho fihlela boipiletso bofe kapa bofe bo rerilweng karolong ya 23 bo phethelwa.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, kapa Khomishene ya Ho Lekana ha Bong.
Motho ya batlang ho kenya nyewe mabapi le dipehelo tsa kapa ho ya ka Molao ona o lokela ho, ho ya ka moo ho balletsweng ka teng, tsebisa tlelereke ya lekgotla la tekano ka maikemisetso a hae a hore o batla ho etsa jwalo.
a Tlelereke ya lekgotla la tekano o lokela ho, ho ya ka nako e balletsweng ya ho amohela tsebiso e jwalo, a lebise taba eo ho mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano wa taba ena, eo a tlamehang ho, ho ya ka nako e balletsweng, a etse qeto ya hore ebe taba ena e tla iswa lekgotleng la tekano kapa e lokela ho lebiswa institjhusheneng e nngwe e loketseng, mokgatlo, lekgotla, lekgotla le ikgethileng kapa sebaka sefe kapa sefe seo ho thweng ke sebaka se seng hape seo, ho ya ka maikutlo mohlanka wa mmuso ya okametseng, se ka sebetsang ka nepo ho fetisa ka taba ho ya ka dipehelo tsa matl a sebaka se seng hape le mesebetsi ya sona.
Ha e ba mohlanka wa mmuso ya okametseng a etsa qeto ya hore nyewe e iswe lekgotleng la tekano, mohlanka wa mmuso ya okametseng a lebise taba eo ho tleIereke ya lekgotla la tekano eo a tlamehang hore ho ya ka nako e balletsweng a bolele mohla oo wa ho iswa ha nyewe kgotla.
maikutlo a moemedi wa mmuso sebakeng sefe kapa sefe se seng hape.
a Ha mohlanka ya okametseng a etsa qeto ya hore taba e romelwe foramong e nngwe hape moo e tla reng, ka ho latela mokgwa o beuweng, a etse ditaelo, a laela tlelereke ya lekgotla la tekano ho fetisetsa taba foramong e nngwe e boletsweng taelong.
H a etsa taelo eo ho buuwang ka yona temaneng ya (a), mohlanka ya okametseng a ka hokela taelong ditshwaelo dife kapa dife tseo a bonang di hlokeha bakeng sa kelo hloko ya foramo e nngwe.
H a fumana taelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya , tlelereke ya lekgotla la tekano o lokela ho fetisa taba eo mme a tsebise b a mehang tabeng eo ka ho ya ka mokgwa o beuweng.
Ha e fumana taba eo e fetiseditsweng ho yona, foramo e nngwe eo ho buuwang ka yona e lokela ho sebetsana le taba eo ka potlako ka ho ya ka matla le mesebetsi ya yona.
e hloleha ho sebetsana le taba ka nako e utlwahalang tlasa mabaka itseng; kapa ha e kgone ho rarolla taba ka tsela e tla kgotsofatsa e mong kapa ba bang b a mehang, mme e mong kapa ba bang ba kopa, Foramo e nngwe e lokela hore, ka mokgwa o beuweng, e romele taba morao lekgotleng la tekano e leng moo e ileng ya romelwa ho tswa teng, bakeng sa kahlolo, ka nako e beuweng ho tloha mohlang e kgutliseditsweng ka ona lekgotleng la tekano.
Puso le ditheo tsa molao wa motheo di tshwanetse ho re ha ho kgoneha, di thuse motho ofe kapa ofe ya ratang ho bula nyewe ka ho ya ka Molao ona mmoho le ka tlasa ona, mme hara tse ding, ka ho etsa bonnete ba hore motho eo o romelwa dibakeng tse tshwanetseng tsa tshebetso moo a tla nka mehato e hlokehang ho ntshetsa pele taba ya hae.
Lekgotla la tekano le mametseng nyewe ka ho ya ka Molao ona kapa ka tlasa ona, le tshwanetse ho tshwara dipatlisiso ka mokgwa o beilweng le ho hlwaya hore na kgethollo e leeme, puo ya lehloyo kapa tlhoriso di bile teng jwalo ka ho builwe.
taelo ya ho latela dipehelo dife kapa dife tsa Molao.
Taelo e ntshitsweng ke lekgotla la tekano ka mabaka kapa ka tlasa Molao ona le sephetho se tshwanang sa taelo ya lekgotla leo, ha e ntsheditswe phapang hare ha baahi, moo ho tshwanetseng.
ho mamelwa ha dinyewe dife kapa dife tse ka pela yona institjhusheneng ya molao wa motheo e tshwanetseng kapa lekgotla le tshwanetseng, hore le kene dipakeng, le tlise poelano kapa le rerisane.
Lekgotla le na le matla a tlatselletso a hlokehang kapa a bohlokwa phethahatsong ya mesebetsi ya yona le tshebedisong ya matla a yona, ho akaretswa le matla a ho fana ka ditaelo tsa lona kapa thibelo.
Balekodi mamelong ya dinyewe dife kapa dife ka ho ya ka, le ka tlasa Molao ona, lekgotla le ka nna la kopa se seng sa dihlopha, kapa ka bolona, la neha mohlanka ya tshwereng marapo ka ho ya ka tshebetso tsa toka, la kopa hore le thuswe ke motho a le mong kapa ba babedi ho sebetsa jwalo ka balekodi.
Balekodi ba beilweng ho ya ka karolwana ya ho setswe morao karolwana ya , ba nkuwa e le ditho tsa lekgotla ka tlasa Molao ona.
Ntlha efe kapa efe ya molao e hlahellang bakeng sa qeto ka yona mamelong, le potso efe kapa efe e batlang qeto ya hore a ntlha e batlang qeto a ke ntlha ya sebele kapa ke ntlha ya molao, e tshwanetse ho nkwa qeto ke mohlanka ya tshwereng marapo ka mokgwa o beilweng.
Dintlheng tsa sebele, se fihletsweng kapa qeto ya bongata ba ditho tsa lekgotla e tla ba se fihletsweng le qeto ya lekgotla, mme ha ho na le molekodi a le mong, se fihletsweng ke lekgotla kapa qeto ya lekgotla e tla rena.
laela hore mamelo tsa dinyewe di qale botjha; kapa iii busetsa mamelo ya dinyewe morao ha molekodi a le siyo ho fihlela a ba teng.
Mohlanka ya tshwereng marapo o tshwanetse ho fana ka mabaka a taelo efe kapa efe e lohothwang temaneng ya i kapa ya ii.
ha setho seo mamelong ya nyewe se sa thuswe ke moemedi wa semolao, le ii ha mohlanka ya tshwereng marapo a bona hore balekodi ba jwalo ba entse phihlelo e ka bophepa se seng yona.
Tlelereke ya lekgotla la tekano e tshwanetse hore ka bonako bo ka kgonehang e fe mabaka le rekoto lekgotleng la boipiletso hore ho be le mokgwa o beilweng.
Lekgotla la boipiletso le na le matla a ho hlomamisa diphihlelo tse jwalo kapa ho ntsha taelo e tshwanetseng mabapi le diphihlelo tseo, tseo ka ho ya ka mohopolo wa lekgotla la boipiletso di neng di tshwanetse ho ntshwa.
Motho ofe kapa ofe ya ngongoreho ke taolo ya lekgotla ya tekano ka mabaka a ka tlasa Molao ona, a ka nna re nakong le ka mokgwa o tla behwa, a ipiletsa kgahlanong le taolo e jwalo Lekgotla le Phahameng le nang le taolo kapa Lekgotla le Phahameng ya Boipiletso, ho ya ka moo mabaka a leng ka teng.
Ha ho ipiletswa, Lekgotla le Phahameng kapa Lekgotla le Phahameng ya Boipiletso, ho ya ka moo mabaka a tla ba ka teng, le ka nna la etsa taolo tabeng e jwalo ka e bona ho tshwanetse.
Le mororo ho le karolwana , motho ofe kapa ofe ya ngongorehiswang ke taolo efe kapa efe e filweng ke lekgotla la tekano a ka nna, a setse morao melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo, a ipiletsa ka ho toba Lekgotleng la Molao wa Motheo.
Ha ho ka etsahala hore ho be le diqeto tse hanyetsang tse di entsweng ke bahlanka ba tshwereng marapo mererong e temaneng (b) ya tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng', Letona le ka nna la fetisetsa nyewe eo Lekgotleng le Phahameng ya Boipiletso kapa Lekgotleng la Molao wa Motheo hore e atlholwe.
a Ha mohlanka ya tshwereng marapo lekgotleng la makgiseterata a ka fana ka kahlolo mabapi le mabaka a kgethollo a lohothwang temaneng ya b ya tlhaloso ya 'mabaka thibetsweng', qeto eo e tshwanetse hore e re morao e iswe ka mokgwa o beilweng Lekgotleng le Phahameng le nang le matla a ho lekola botjha.
Lekgotla le Phahameng le tshwanetse hore, morao ha tshekatsheko ya kgang, le laele mabapi le mabaka a lohothwang karolwaneng ya (a), mme morao ha moo le ntshe taelo efe kapa efe ho ya ka Molao oo jwalo ka ha le bona ho tshwanetse.
Phethahatso ya karolwana ya (a) e ntse e emisitswe ho fihlela boipiletso bofe kapa bofe bo lohothwang karolong bo phethwa.
Mmuso o na le mosebetsi le maikarabelo a ho kgothaletsa le ho ba le tekano.
Batho bohle ba na le maikarabelo a ho kgothaletsa tekano. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 24: le tla etsiswa.
ho hlahisa matsholo a tlhahisoleseding ho tumisa Molao ona.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho y Afrika Borwa le ditheo tse ding tse lemohwang ke molao wa motheo di ka nna tsa re, hodima tlatselletso ya maikarabelo afe kapa afe a mang, ho ya ka Molao wa motheo kapa molao ofe kapa ofe, ya kopa karolo efe kapa efe e hlaloswang e le Puso kapa motho ofe kapa ofe ya neelang tlhahisoleseding ka dikgato tse mabapi le ho ba le tekano ho akaretswa, ka ho tshwanetseng, mosebetsi ya ho beha melao kapa ya phethahatso le ho latela peho ya melao, melawana ya boitshwaro le mananeo.
kopa Lefapha, ka mokgwa o o beilweng, ho fa dipehelo tsa hang le hape, mabapi le palo ya dinyewe le mofuta le phelelo ya tsona.
tlosa mofuta ofe kapa ofe wa kgethollo e leeme kapa kgothaletso ya ho hloka tekano molaong, pholising kapa ditlwaelo dife kapa dife tse Matona a nang le maikarabelo a tsona; le ho lokisa le ho phethahatsa maano a tekano ka mokgwa o beilweng, ao dikahare tsa ona di tshwanetseng ho akaretsa nako e tla nkuwang ho phethahatsa maano a ho ba jwalo, a lohilweng ka therisano le Letona la Ditjhelete.
a Maano a tekano a tshwanetse hore e re dilemo tse pedi di ise di fete morao ha ho kena tshebetsong ha Molao ona, di neelwe Khomishene ya Ditokelo tsa Botho y Afrika Borwa hore ho tle ho sebetswe ka tsona ka mokgwa o beilweng.
Khomishene ya Tekano ya Bong ha e sebetsa ka maano a lohothwang temaneng ya (a). Letsatsi la ho kena Tshebetsong ha Karolo ya 25: le tla tsebiswa.
ho kenya tshebedisong le ho boha ho kengwa tshebedisong ha maano a tekano, melawana le ditsela tsa taolo tse entsweng ke bona; le ho etsa dipehelo tsa yang bolaoding kapa ditheong tsa bolebedi tse tshwanetseng jwalo ka ho tla bewa melawaneng. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 26: le tla etsiswa.
Phethahatsong ya karolo ya 26, batho bohle, makgotla ao e seng a puso, makgotla a merabe le ditheo tsa setso, di tshwanetse ho kgothaletsa tekano tshebedisanong ya tsona le makgotla a mang le mesebetsing ya ona ya setjhabeng.
Letona o tshwanetse ho hlahisa melawana mabapi le Melao e meng e hlokang hore dikhampani, di-close corporation, di-partnership, ditlelapo, mekgatlo ya dipapadi, mekga ya kgwebo le di-association, moo ho tshwanetseng, ho tsamaelana le boholo ba tsona le mehlodi le tshusumetso ya tsona, ho lokisa maano a tekano kapa ho latela melawana ya boitshwaro e beilweng kapa ho behela lekgotla kapa setheo ka ha dikgato tsa ho ntshetsa pele tekano.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 27: le tla etsiswa.
Ha ho ka fanwa ka bopaki nyeweng efe kapa efe ya tlolomolao hore kgethollo e leeme ka mabaka a borabe, bong kapa bohole e bile karolo ya tlolo ya molao, sena se tshwanetse ho nkuwa e le mabaka susumetsang kahlolo.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tshwanetse hore, pehelong ya yona e lohothwang karolong ya 15 ya Molao wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho wa 1994 (Molao 54 wa 1994), e akaretse tekolo ya bonamo ba kgethollo e leeme ka mabaka a borabe, bong, le bohole e kgothaletsang ho ba teng Rephaboliking, diphetho tsa yona tsa ho rarolla mathata.
sebedisa maano a mosebetsi a ka kgonehang hore ho tle ho nne le kgothaletso ya tekano ya borabe, bong le bohole, le iv ho etsa hore ho tloswe kgethollo e leeme le kgothaletso ya tekano ya borabe, bong le bohole e be ho ka pele lenaneng.
Ntle le ho fapoha ditaelong tsa Molao ona, sepheo sa Sehlomathiso sa Molao ona ke ho bontsha mohlala le ditlwaelo tse leeme kapa tse ka bang le leeme, tse nammeng mme tse lokelwang ho rarollwa.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Puso e tshwanetse hore moo ho tshwanetseng teng e netefatse hore dikgato tsa ho beha melao le tse ding di nkuwa bakeng sa ho shebana le mesebetsi e lohothwang karolwaneng ya.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : le tla etsiswa.
Letona o tshwanetse hore, ka dikgothaletso tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano, ka tsela e kgothaletsang, a sekaseke ho loka ha ditlwaelo tse leng Sehlomathisong, ka sepheo sa ho eketsa, ho fetola, ho fapanya kapa ho lokisa lenane la ditlwaelo tse leng Sehlomathisong.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
shebanwe le hore ho tloswe ditlwaelo tsena; le hore ho thuswe batho ho hlalosa boiphihlelo ba bona le ditlwaelo. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Lenane la mohlala la ditlwaelo le Sehlomathisong ha le a fella le teng le tshwanetse ho lejwa le ho ntshetswa pele ke Komiti ya Tekolo ya Tekano ka tsela e kgothaletsang. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
matla le mesebetsi ya Komiti ya Tekolo ya Tekano jwalo ka di lohothwa karolong ya 33.
taba efe kapa efe e hlokwang ho behwa bakeng sa ho fihlela maikemisetso a Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o etsuwang karolong ena o ka bang le sephetho sa ditshenyehelo bakeng sa Mmuso o lokelwa ho etswa ka therisano le Letona la Ditjhelete.
Molawana o etsuwang ka tlsa karolo ena o ka nna wa laela hore motho ya tlolang taelo ya ona kapa ya hlolehang ke ho o latela a be molato wa tlolo ya molao, mme fumanwe a le molato le lekgotla, a lefiswe kapa a ahlolelwe ho dula tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse a Melawana efe kapa efe e etsuwang ka tlasa karolo ena, e tshwanetse ho bewa ka pela palamente hore ho buuwe ka yona pele e ka phatlalatswa Koranteng ya Mmuso ha e le hore Palamente e tla be e phuthehile ka nako eo.
Ha Palamente e sa tshwara phutheho jwalo ka ho lohothwa temaneng ya (a), melawana e ka newa Sepikara sa Palamente matsatsi a 30 pele ha ho ka phatlalatswa melawana eo Koranteng ya Mmuso.
Melawana e entsweng ho setswe morao mabaka a karolong ena, haholoholo karolwana ya (a), mabapi le tsamaiso ya patlisiso tse tshwanetseng ka ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng ho netefatsa hore phethahatso ya Molao e bonolo, e lokile hape e ya kgoneha.
Le ha ho na le karolo ya 16 ha ho na nyewe e tla mamelwa lekgotleng lefe kapa lefe la dinyewe ntle le ha mohlanka ya okametseng le e nngwe kapa tse ding tsa ditlelereke di le teng.
Letona le tshwanetse ho etsa hore Molao ona o ba teng ka dipuo tsohle ka mokgwa o beilweng dilemong tse pedi ka mora ho qala ho kena tshebetsong ha Molao ona.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha o tshwanetse ho nka mehato yohle e utlwahalang le teng ho sebediswa le mehlodi e leng teng ya Lefapha ho netefatsa hore tlelereke e ba teng lekgotleng le leng le le leng la Rephaboliki.
thupelo ya tsa phedisano ya bahlanka ba tshwereng marapo; le ditlwaelo tse tshwanang, maemo le ditsamaiso tse tshwanetseng ho okamelwa ke bahlanka ba tshwereng marapo phethahatsong ya mesebetsi le dithomo tsa bona.
Moahlodi e Moholo o tshwanetse hore ka therisano le Khomishene ya Tshebeletso ya Boahlodi le Khomishene ya Bomakgiseterata le Letona e phethahatse dikhoso tsa thupelo tse lohothwang karolwaneng ya.
thupelo ya tsa phedisano ya ditlelereke; le ditlwaelo tse tshwanang, maemo le ditsamaiso tse tshwanetseng ho okamelwa ke ditlelereke phethahatsong ya mesebetsi le dithomo tsa bona.
Letona le tshwanetse ho fana ka pehelo Palamenteng, jwalo ka ho beilwe, mabapi le dikahare le phethahatso ya dikhoso tsa thupelo tse lohothwang dikarolwaneng tsa le.
K. 31 e nketsweng sebaka ke Karolo ya 3 ya Molao 52 wa 2002.
setho sa Khansele ya Naha ya Diprovense. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 32: 1 Loetse 2000.
e na ke matla tse ding le mesebetsi jwalo ka ho beilwe.
Komiti ya Tekolo ya Tekano e ka nna ya tshwara merero le dikopano tsa yona jwalo ka e bona ho tshwanetse.
Ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano tse di lohothwang karolong ya 32 (a), (d) le (e) di hlongwa nako e ka etsang dilemo tse hlano, mme di ka nna tsa hlongwa hape ha nako ya tsona ya ho ba maemong ao e fela.
Mabaka a mang a ho kgethwa ha ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano a jwalo ka ha ho beilwe.
Mosebetsi wa tsamaiso o hokahaneng le phethahatso ya mesebetsi ya Komiti ya Tekolo ya Tekano o tshwanetse ho etswa ke bahlanka ba beilweng ke Molaodi Kakaretso wa Lefapha.
Ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano di na le tokelo ya ho amohela tefello, dialawense le melemo e meng jwalo ka ha ho tla behwa ke Letona ka therisano le Letona la Ditjhelete. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 33: 1 Loetse 2000.
Komiti ya Tekolo ya Tekano e tshwanetse hore, selemong se le seng, e batlisise mme e etse le dikgothaletso tse hlokehang ho Letona. Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
thibelang lekgotla ho laela hore lefe kapa lefe la mabaka ana ke mabaka a temaneng ya (b) a tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng' kapa a akareditswe ho le leng kapa amang a mabaka a lenaneng le temaneng ya (a) a tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng'.
Molao ona o bitswa Molao wa Kgothaletso ya Tekano le Thibelo ya Kgethollo e leeme wa 2000 mme o qala ho sebetsa letsatsing le beuweng ke Mopresidente ka phatlalatso Koranteng ya Mmuso.
Matsatsi a fapaneng a ka nna a behwa ka tsela e jwalo mabapi le dipehelo tse fapaneng tsa Molao ona.
Ho ba le dithibela tsa maiketsetso tse hanelang ho fihlelwa ha menyetla ya mesebetsi ka ho sebedisa mekgwa e itseng ya ho thaotha le ho kgetha.
Tshebediso ya mehlodi ya thuso ya batho, ntshetsopele, kgothaletso le ditlwaelo tsa ho boloka basebetsi tse kgethollang ka tsela e leeme kgahlanong le batho ba tswang dihlopheng tse hlwauweng ka mabaka a thibetsweng.
Ho hloleha ho hlompha motheo wa tefello e lekanang bakeng sa mosebetsi o lekanang.
Ho ntshetsa pele kuno e fapaneng e sa lekaneng ho tswa tshebetsong tsa nakong e fetileng ya kgethollo e leeme.
Ho se akaretse baithuti ka tsela e leeme di-institjhusheneng tsa thuto, ho kenyelletswa le baithuti ba nang le ditlhoko tse ikgethang.
Ho tima ka tsela e leeme baithuti ba dihlopha tse itseng hore ba se fumane dithuso tsa ditjhelete tsa sekolo, dibasari, kapa mokgwa ofe kapa ofe wa thuso, haholoholo bao ba hlwauweng ka ho ya ka mabaka a thibetsweng.
Ho hloleha ho akaretsa ka tsela e utlwahalang mefuta e fapaneng thutong.
Ho etsa batho hore ba be diphuputsong tsa bongaka ntle le tumello ya bona ba na le tsebo.
Ho hanela kapa ho tima ka tsela e leeme motho ofe kapa ofe ho ba le phihlelo ya disebediswa tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle kapa ho hloleha ho etsa hore disebediswa tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle di kgone ho fihlelwa ke motho ofe kapa ofe.
Ho hana ho fana ka kalafo ya bongaka ya tshohanyetso ho batho ba dihlopha tse itseng ba hlwauweng ka lebaka kapa mabaka a mang a thibetsweng.
Ho hana ho fa maqheku ditshebeletso tse utlwahalang tsa bophelo bo botle.
Ho kojwa ha batho mo matlong ntle le tlhaloso e utlwahalang ho itshetlehilwe hodima lebaka kapa mabaka a thibetsweng.
Kgethollo e leeme phumantshong ya dibonto tsa matlo, dikadimo kapa dithuso tsa ditjhelete ka ho ya ka borabe, bong kapa tlasa mabaka a mang a thibetsweng.
Ho hloleha ho amohela ka mokgwa o utlwahalang ditlhoko tse ikgethang tsa maqheku.
Ho hana ka tsela e leeme tlasa lebaka le le leng kapa a mangata a thibetsweng ho neha kapa ho etsa hore ho be teng pholisi ya inshorense bakeng sa motho ofe kapa ofe.
Kgethollo e leeme phumantshong ya melemo, disebediswa le ditshebeletso tse amanang le inshorense.
Kgethollo e leeme ya motho kapa batho, ho kenyelletswa ho hana ka tsela e leeme le e sa utlwahaleng, ho fa ditshebeletso ho motho fela ka baka la boemo ba HIV/AIDS.
Ho se akaretse motho ofe kapa ofe ka tsela e leeme ho ba setho sa letlole la ho ya pensheneng kapa ho fumana melemo efe kapa efe ho tswa letloleng ka tlasa lebaka lele leng kapa a mangata a thibetsweng.
Ho kgetholla ka tsela e leeme ditho kapa baamohedi ba letlole la ho ya pensheneng.
Ho hlwaya ka tsela e leeme hore kemang ya lokelwang ho mengwa ho ba eo ho sebetswang mmoho le yena tshebedisanong eo ho buuwang ka yona.
Ho beha dipehelo kapa maemo a leeme hape a kgethollang ao tlasa ona motho a mengwang kapa a amohelwang ho ba eo ho sebetswang mmoho le yena.
Ho beha maemo a nang le meedi e leeme kapa a hanelang ho kena profesheneng ke batho ba neng ba tingwa menyetla nakong e fetileng.
Ho thibela kapa ho hanela ditho ka tsela e leeme ho fihlela melemo kapa disebediswa ka tlasa mabaka a thibetsweng.
Ho hana ka tsela e leeme kapa ho hloleha ho fa e mong kapa sehlopha sa batho thepa le ditshebeletso ka baka la le leng kapa a mang a mabaka a thibetsweng.
Ho beha dipehelo kapa maemo kapa ditlwaelo tse ntshetsang pele ditlamorao tsa kgethollo e leeme ya nako e fetileng kapa ya ho se akaretse ba bang mabapi le phihlelo ya mehlodi ya ditjhelete.
Ho thibela ka tsela e leeme phihlelo ya ho ba le monyetla wa ho ba le konteraka ya phepelo ya thepa le ditshebeletso.
Ho hanela ka tsela e leeme ho nka kopo ya motho ya ho ba setho sa mokgatlo kapa tlelapo tlasa mabaka fe kap a fe a thibetsweng.
Ho hanelwa ka tsela e leeme setho hore se fihlele kapa ho behela setho moedi wa ho fihlela benefiti efe kapa efe eo mokgatlo kapa tlelapo e fanang ka yona.
Ho hloleha ho kgothaletsa ho fapafapana ha ho kgethwa dihlopha tsa boemedi.
<fn>2007 MIN STAND sesotho ver 3.txt</fn>
Boemo bo Tlasetlase Ditshebeletsong tsa Mahlatsipa a Botlokotsebe ("Boemo bo Tlasetlase") ke tokomane ya tlhahisoleseding, e ntsheditsweng pele ho hlalosa ditokelo tsa hao ho feta jwalo ka ha di hlahisitswe ho Tj hata ya Tshe- beletso bakeng sa Mahlatsipa a Botlokotsebe Afrika Borwa ("Tjhata ya Mahl- atsipa") mme e etse ditokelo tsena nnete. Tjhata ya Mahlatsipa, ha mmoho le Boemo bo Tlasetlase, di ikemiseditse ho o fa tlhahisoleseding e amanang le boitlamo ba mmuso ho ntlafatsa phethiso ya ditshebeletso bakeng sa mahlat- sipa a botlokotsebe. Boemo bo Tlasetlase bo ikemiseditse ho hlalosa boemo bo Tlasetlase ditshebeletsong tseo ho fanwang ka tsona ho mahlatsipa a bo- tlokotsebe. Boemo bo Tlasetlase ha bo hlahise ditokelo le melawana ya moth- eo feela, empa bo fana hape ka tlhahisoleseding e hlakisitsweng ka botlalo ho etsa hore o kgone ho sebedisa ditokelo tsa hao le ho etsa hore batho ba fanang ka ditshebeletso ba kgone ho tshehetsa ditokelo tsa haojwalo ka ha di hlalositswe ho Tjhata ya Mahlatsipa, ka ho totobatsa boemo bo Tlasetlase boo o ka bo lebellang ho tswa ho batho ba fanang ka ditshebeletso. Boemo bo Tlasetlase bo tla o thusa hore motho e mong le e mong ya amehang mokg- watshebetsong wa ho tokafatsa botlokotsebe a be le boikarabelo ho netefatsa hore o fumana thuso le ditshebeletso tse tshwanetseng.
Ha o tlaleha botlokotsebe mme o fana ka bopaki lekgotleng la dinyewe, o bapala karolo ya bohlokwa ho etsa hore mokgwatshebetso wa ho tokafatsa botlokotsebe o arabele ditlhoko tsa setjhaba ho feta le ho netefaletsa boikara- belo ba motlolamolao. Ho buseletsa, mo kgwatshebetso wa ho to kafatsa bot- lokotsebe o tlameha ho o thusa ka potlako le ka hlompho, o o sebeletse ka hlompho bakeng sa seriti le lekunutung la hao mme o arabele ditlhoko tsa hao. Boemo bo Tlasetlase ke mokgwa wa ho leka ho netefatsa hore sena ha se etsahale, ka ho o matlafatsa ka tlahisoleseding e hlokahalang ho etsa hore o kgone ho qobella tshehetso ya ditokelo tsa hao.
Boemo bo Tlasetlase bo arotswe ka dikarolo tse nne. Karolo ya I e fana ha kgutshwanyane ka tshetleho ya tlhahisoleseding ho dito kelo tsa hao mme e hlahisa hore ke mang ya ka fumanang ditokelo. Karolo ya II e hlalosa ka bo kgutshwanyane ditshebetso mokgwatshebetsong wa ho tokafatsa bo- tlokotsebe le hore ho tla etsahala eng ho wena haeba o hlahelwa ke ketso ya botlokotsebe mme o tlaleha botlokotsebe ho mapolesa. Karolo ya Ill e na le boemo bo Tlasetlase ka ditshebeletso tseo o ka di lebellang ho tswa ho banka- karolo ba fapafapaneng mokgwatshebetsong wa ho tokafatsa botlokotsebe, ho lebisitswe ho tokelo e nngwe le e nngwe e hlalositsweng ho Tjhata ya Mahlatsipa. Ena ke karolo ya bohlokwahadi ya Boemo bo Tlasetlase, jwalo ka ha e i kemiseditse ho etsa hore ditokelo di totobatswe ho Tj hata bakeng sa hao ka nnete. Ke karolong ena moo o tla bona hore palo e itseng ya melawana ya Poloko ya Toko e kenyeleditswe ho moralo wa semolao o hlalositsweng ho Tjhata ya Mahlatsipa le Boemo bo Tlasetlase.
Karolo ya IV e hlahisa mokgwatshebetso wa ho tletleba. Leha bankakarolo ka hare ho mokgwatshebetso wa ho tokafatsa botlokotsebe ba tla ikemisetsa ho netefatsa hore dikameho tse seng monate tsa botlokotsebe ha di fetelletswe ke se tlang ho etsahala ha morao, mme ba tla ikemisetsa ho o sebeletsa hantle le ka hlompho mme ba o fe ditshebeletso tse ntle, dintho ka nako e nngwe ha di tsamaye hantle. 0ka nna wa ba le maikutlo a hore ditshebeletso tseo o di fumantshitsweng ha di a ka tsa e ba boemong bo tshwanetseng boo o neng o bo lebelletse. Karolo ena e hlalosa kamoo o ka tletlebang mme hape e na le letooto la aterese e nang le dinomoro tsa bohlokwa tsa ho iteanya le ba bang.
Boemo bo Tlasetlase bo ikemiseditse ho etsa hore ho beha leihlo tsamaisong ya ditshebeletso ho be bobebe jwalo ka ha ba totobaditse boemo bo Tlaset- lase boo tsamaiso ya ditshebeletso e tlang ho methwa ka bona. Mekgatlo e tshwanetseng le mafapha a tla beha leihlo ho tshebediso ya ditokelo le boemo ba ditshebeletso bo totobaditsweng ho Boemo bo Tlasetlase mme, jwalo ka karolo ya yona ya ho beha leihlo, mekgatlo ena e ka iteanya le wena. Tse ding tsa diphetho tsa ho beha leihlo hona le mokgwatshebetso wa ho iteanyana le yona e ka phatlalatswa.
Ditokisetso tse fumanwang ho Boemo bo Tlasetlase di sebetsa ho mahlatsipa kaofela ka ntle ho leeme la mofuta ofe kapa ofe ka mabaka a mofuta, bong, boimana, maemo a lenyalo, qaleho ya morabe kapa phedisano, mmala, bong, dilemo, botsofadi, bodumedi, letswalo, tumelo, setso, puo le tswalo, jwalo ka ha ho hlahisitswe Karolong ya 9 ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa (Molao wa 1 08 wa 1 996).
Ho tla etsahala eng?
Haeba ho entswe ketso ya botlokotsebe, ho e tlaleha ho Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa ho tla kenya mokgwatshebetso wa ho toka- fatsa botlokotsebe tseleng. Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa e na le boikarabelo ba ho batlisisa diketso tsa botlokotsebe le ho tlisa batlola- molao ho tlalehweng semmuso. Ha qoso e se e entswe, mapolesa a tla bula dokete mme a batlisise qoso. Haeba mapolesa a se na bonnete ba hore qoso e tlameha ho latela, qoso ya semmuso ha e no tliswa hang- hang. Le ha ho le jwalo, mapolesa a tla nne a batlisise qoso e jwalo mme a ise dokete ya sepolesa ho motjhutjhisi wa setjhaba bakeng sa qeto.
Ho tloha motsotsong oo botlokotsebe bo etswang le ho tlalehwa, ho bohlokwa hore kaofela bopaki bo fumanehang bo bokellwe le ho sire- letswa ka tsela e tla thusa patlisisong ya molato le teko e latelang. Dikotsi kapa tshenyehelo tse o hlahetseng di ka thusa ho tlatsa bopaki ba hao kgahlanong le moqosuwa. Tlaleho ya bongaka e tlameha ho tlatswa mme e iswe, moo ho hlokahalang.
Ha motho a fuwe kotlo, molato o fetisetswa lekgotleng la dinyewe moo motjhutjhisi a qalang boikarabelo ba ho qosa.
Motjhutjhisi o tla sheba dintlha tsa molato ofe kapa ofe ka hloko.
Motjhutjhisi o tla sheba ditjheseho tsa hao ha a nka qeto efe kapa efe ya tsena mme a ka nka qeto ya ho fetola diqoso, ho latela dintlha tse loketseng molato.
ka lebella mokgwatshebetso o potlakileng le o sebetsehang, o tla netefatsa hore molato o ya ka pele ho lekgotla la dinyewe ka potlako.
ka lebella hore motjhutjhisi o tla kopa kaofela tlhahisoleseding e le- baneng le ditsamaiso tsa beili ho tswa ho mohlanka wa mmuso ya et- sang dipatlisiso mme a hlahise sena lekgotleng la dinyewe, ho netefatsa hore qeto ya ho fa kapa ho hanyetsa moqosuwa ka beili e nkwa ka tjheseho ya hao e bohlokwa le tshireletso kelellong.
Pele ho amohelwa kopo ya ho ba molato, motjhutjhisi o tla nkela ditjheseho tsa hao hlohong, hammoho le tsa ba lelapa la hao.
Mapolesa a tla o tsebisa haeba o hloka ho hlaha jwalo ka paki lekgot- leng la dinyewe. Melato e mengata e sebetswa makgotleng a molao a maseterate mme ditlolo tse boima ho feta di ya lekgotleng la lebatowa kapa le phahameng.
Ho isa molato lekgotleng la dinyewe bakeng sa teko ho ka ba boima, ha- holoholo ha ho e na le batho ba mmalwa ba amehang. Ba sebetsanang le molato ba tla etsa ka hohle ka moo ba ka kgonang ho netefatsa hore molato o ya lekgotleng la dinyewe ka potlako e kgonahalang.
Mohlanka wa mmuso ya etsang dipatlisiso, motjhutjhisi e moholo wa se- tjhaba kapa moemedi wa Kantoro ya Motsamaisi wa Diqoso tsa Setjhaba o tla netefatsa hore ka mora tlhahlobo ya pele e nepahetseng le moo ditlhoko tse ding di ananelwang, o behwe lenaneong la tshireletso ya bopaki haeba o ka tlasa matshosetsi kapa tshosetso.
Ho fana ka bopaki lekgotleng la dinyewe ho ka tshwarisa hloho. Ba ame- hang -mapolesa, motjhutjhisi le basebetsi ba lekgotla la dinyewe -ba tla tshehetsa, hlophisa le ho o fa tlhahisoleseding e ngata ka se ka etsaha- lang.
0tla fuwa taelo, o tsebiswa hore teko e tla kenela kae le neng. Pampi- tshana e hlalosang se tla beng se etsahala lekgotleng la dinyewe, e tla felehetsa taelo ka dinako tse ding. Haeba o ya lekgotleng la dinyewe la maseterata mme o na le dipotso dife kapa dife ka disebediswa tsa lekgotla la dinyewe, o tlameha ho ikopanya le mohlanka wa mmuso ya etsang dipatlisiso molatong kapa, moo a fumanehang, mothusi wa mahlatsipa le mohlanka wa mmuso ya etsang ditlhophiso, ya tla o bontsha kapa ho o romela ho motho ya tshwanetseng ya tla o beha leseding ka ditsamaiso tsa lekgotla la dinyewe.
Ha o fihla lekgotleng la dinyewe, o ka nna wa fumana matshwao a hlaki- leng ho o thusa ho fumana tsela ya hao. Haeba ha ho na matshwao a hlakileng mme ha o tsebe moo lekgotla la dinyewe le leng, moo e fumanehang, o ka botsa Tafoleng ya Thuso/Tlhahisoleseding/Keletso ho fumana hore bopaki ba hao bo tla mamelwa ka phaphusing efe ya lek- gotla la dinyewe kapa ka disebediswa lekgotleng la dinyewe. Hape o ka botsa maloko a basebetsi ba diqoso, ba tla kgona ho araba potso efe kapa efe eo o ka bang le yona ka ditsamaiso. Motjhutjhisi ya sebetsanang le molato wa hao o tla kgona ho o bolella hore o tla tlameha ho ema nako e ka bang e kae pele o fana ka bopaki.
Motjhutjhisi o tla etsa ka hohle ka moo a ka kgonang ho netefatsa hore o a bitswa ho fana ka bopaki ka potlako. Motjhutjhisi ya sebetsanang le molato wa hao o tla, moo ho hlokahalang, ikopanya le wena pele o bitsetswa ho fana ka bopaki. Le ha ho le jwalo, ka nako tse ding ho na le dintho tse diehisang. 0tshwanela ho etsa bonnete ba hore o fihla lekgotleng la dinyewe ka nako. 0tlameha ho tsebisa motjhutjhisi haeba o tla fihla ka mora nako kapa haeba ha o no phomella ho ya lekgotleng le dinyewe ka letsatsi la kgotla.
Haeba o tlameha ho fana ka bopaki, ka nako tse ding o ka kopa motswalle kapa motshehetsi ho o felehetsa ho ya lekgotleng la dinyewe. Ka mora hore o fane ka bopaki o tla bolellwa hore o ka tsamaya. 0ka nna wa kenela ditsamaiso kaofela haeba o lakatsa ho etsa jwalo.
Tlasa mabaka a itseng, o ka nna wa fana ka bopaki ka mokgwatshebetso wa sekete ya thelevishene e kwalehileng (sena se bolela hore ha o ka hara lekgotla la dinyewe ha moqosuwa a le teng, empa o ka phaphusing e nngwe).
Hape, haeba o ka tlasa dilemo tse 18 mme mohlanka wa mmuso ya mamelang molato (k.h.r maseterata kapa moahlodi) a bona hore ho fana ka bopaki tekong ho tla o bakela lefu la kelello kapa tshotleho e sa hlokahaleng, o ka boela wa fumana thuso ya motho ya ka bang maha- reng a Iona ha o fana ka bopaki ka mokgwa wa sekete ya thelevishene e kwalehileng.
Ka dinako tse ding, haeba o tlameha ho fana ka bopaki lekgotleng la dinyewe, ditsamaiso di ka nna tsa etsahala khamereng (ka mora menyako e kwetsweng).
Boemo bo phahameng ba kgodiso bo a hlokahala pele motho e mong a fumanwa a le molato. Qoso e tlameha ho tiisa molato wa moqosuwa ka ntle ho qeaqeo. Sena se ka bolela hore motho e mong eo o kgolwang hore o molato, a fumanwe a se molato. Sena ha se kahlolo ka wena, empa se tshetlehilwe matleng a qoso ya molato kaofela.
Motjhutjhisi o tla bitsa dipaki tsa mmuso ho tshehetsa molato kgahlanong le moqosuwa melatong e tshwanelang. Toloko e tla fumantshwa ha ho hlokahala. Moqosuwa o tla fuwa monyetla wa ho o botsa (botsollosa) dipotso, ho fana ka bopaki le ho bitsa dipaki. Ka mora hore lekgotla la dinyewe le mamele bopaki kaofela bakeng sa qoso le bohanyetsi, mahla- kore a tla dumellwa ho bua le lekgotla pele ho fanwa ka kahlolo.
Haeba moqosuwa a ahlotswe(a fumanwe a le molato), qoso le bohany- etsi di ka etella bopaki mme tsa bua le lekgotla ka kahlolo e tla dihwa. Sena se etswa ka tsela ya ho phehisana ho etsa kahlolo e be boima kapa bobebe. Haeba phehisano e bebofatsang kahlolo e kenyeletsa tlhahiso- leseding eo e seng nnete, tshedimosetso ena e tshwanela ho bolellwa lekgotla. Boemong ba kahlolo o ka batla tokiso kapa tefo bakeng sa ditsh- enyehelo. Haeba lekgotla le fana ka tefo, ha e nkwe e le kahlolo, kahoo tefo e ka etswa ho tlatselletsa mokgwa ofe kapa ofe wa kotlo. Lekgotla la dinyewe le ka nna la emisa kahlolo nakwana ka maemo a mang, ho kenyeletsa maemo a hore moqosuwa o tshwanela ho o lefa. Motjhutjhisi a ka nna a fana ka polelo ya kameho ya bohlatsipa kapa a etella bopaki bo tswelang pele ho tshehetsa kahlolo e lokelang, moo ho fumanehang mme ho tshwaneleha.
Pele ho etswa kahlolo, mohlanka wa mmuso ya nang le boemo ba ho laola nyewe, motjhutjhisi kapa mohanyetsi a ka kopa hore mohlanka wa mmuso ya leng tekong ya mosebetsi kapa setsebi sefe kapa sefe se hlo- phise tlaleho ka wena kapa moqosuwa. Tlaleho e ka kenyeletsa tlhahlobo ya kameho eo botlokotsebe bo bileng le yona ho wena. Tlhahisoleseding e ka nkwa ho tswa puong eo o e entseng mapoleseng, kapa mohlanka wa mmuso ya leng tekong ya mosebetsi a ka buisana le wena molomo le molomo kapa o ka bitswa ho fana ka bopaki boemong ba ho diha kahlolo.
Haeba o kgolwa hore kahlolo e bobebe haholo, o ka nna wa e qoqa le Motjhutjhisi e Moholo, ya ka nnang a nka qeto ya ho e isa ho Motsamaisi wa Diqoso tsa Setjhaba ya loketseng. Motsamaisi wa Diqoso tsa Setjhaba a ka nna a etsa boipiletso kgahlanong le kahlolo lekgotleng la dinyewe le ka mamelang boipiletso. Boipiletso bo lokela ho etswa nakong e itseng e behetsweng.
Moqosuwa a ka ipiletsa kgahlanong le kahlolo e entsweng ke lekgotla. Haeba boipiletso bo entswe, o ka kopa motjhutjhisi molatong wa qalo, kapa advokheiti ya mmuso e sebetsanang le boipiletso, hore o dule o tse- biswa ka dintshetsopele tse tswelang pele molatong, mohlala, letsatsi le behilweng bakeng sa ho mamela boipiletso, na moqosuwa o filwe beili, le sephetho sa boipiletso.
Haeba ho na le kgathatseho ka polokeho ya hao kapa ya paki ya mmuso, mapolesa, motjhutjhisi kapa moemedi ho tswa Karolong ya Tshireletso ya Bopaki o tla kgona ho o fa keletso ka se hlokang ho etswa bakeng sa tshireletso, Ba tla o thusa ka hohlehohle.
Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo le tla netefatsa hore di kahlolo tsa ho dula tjhankaneng di phethwa ho ya ka molao. Ha ho shejwa ho lokoll- wa ha moqosuwa, Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo le tla sheba ka hloko tlhokomelo ya motho ya qositsweng ya lokollotsweng ka parole.
ka nna wa kopa ho kenela Tlhokomelo ya Tlhabollo le ho mamela bopaki ba Boto ya Parole (Parole Board). Haeba o lakatsa ho di kenela, o tla tsebiswa ka letsatsi la ho mamelwa ha bopaki mme Boto e tla ela matshwenyeho a hao hloko ha e nahana ho lokollwa ha moqosuwa ka parole.
Molatong o mong le o mong moo moqosuwa a lokollwang ka parole, Boto ya Parole e tla kgomathisa maemo ho lokollweng ha moqosuwa, haeba e bona sena se le molemong wa hao.
Haeba, ka mora ho lokollwa ka parole, moqosuwa o itshwara ka tsela e nahanisang hore a ka hlahisa kotsi tshireletsong ya setjhaba, kapa a fa- pana le maemo afe kapa afe a kgomathisitsweng ho lokollweng ha hae, a ka tshwarwa ho phethela kahlolo e setseng tjhankaneng.
Mafapha a mmalwa a mmuso a tla o fa thuso. Mapolesa a tla thusa ka dithuso tsa mathata a ka thoko; ka ho o romela bakeng sa thuso ya bo- ngaka kapa kelello; ka ho hlalosa ditsamaiso tsa sepolesa; ka ho fana ka tshedimosetso ka ditokelo tsa hao; ka ho o romela ho mekgatlo eo e seng ya mmuso le ya setjhaba (diNGO le diCBO) kapa ditshebeletso tsa setj haba tsa tshehetso ya mahlatsipa; ka ho netefatsa polokeho ya hao se- bakeng sa botlokotsebe; ka ho boloka bopaki; le ka ho o eletsa ka thibelo ya botlo kotsebe.
Haeba ho na le matshosetsi a tswellang ka mora kahlolo, wena, mohlan- ka wa mmuso ya etsang dipatlisiso kapa motjhutjhisi le lokela ho ikopanya le kantoro ya Karolo ya Tshireletso ya Mahlatsipa.
Lefapha la Ditshebeletso tsa Setj haba le bafumantshi ba ditshebeletso tse ding tsa setjhaba ba tla fana ka ditshebeletso tsa maikutlo le tshehetso, ha di fumaneha, tse ka nnang tsa kenyeletsa mananeo a tlhophiso a lekgotla le dinyewe.
Basebetsi ba tlhokomelo ya tsa bophelo ba tla netefatsa hore ditokelo tsa hao, jwalo ka ha di kentswe ho Tjhata ya Ditokelo tsa Mokudi, di a tshe- hetswa.
Lefapha la Thuto le tla netefatsa hore mananeo a jwalo ka thuso, ditshe- beletso tsa phetiso le tshehetso, a fumaneha bakeng sa mahlatsipa ho tsa thuto.
0ka lebella hore bankakarolo kaofela mokgwatshebetsong wa ho toka- fatsa botlokotsebe ba tla o sebeletsa hantle, ka hlompho bakeng sa seriti sa hao le lekunutu, le ka mokgwa o sa ameng maikutlo ha bohloko.
ho tla buisanwa le wena ka puo eo o e utlwisisang, mme haeba motho ya buisanang le wena a sa kgone ho bua puo eo o e utlwisisang o ka kopa toloko; mme o ka kopa ho ba le puisano le leloko la sepolesa le nang le bong bo tsh-wanang le ba hao, ha le fumaneha, kopo ya hao e tla ananelwa.
l0 o tla netefatsa hore ditsamaiso tsa teko di etswa ka mokgwa o sa tloleng tokelo ya hao ya ho sebeletswa hantle le ka hlompho bakeng sa seriti sa hao le lekunutu.
l4 mosebetsi wa lekgotla la dinyewe o tla o tsebisa hore o na le tokelo ya ho lefshwa ditjeho tsa ho tsamaya le ho palama, le tse ding bakeng sa nako eo o e nkang o le lekgotleng la dinyewe ho fana ka bopaki, mme o tla boela a o fa tlhahisoleseding a be a o thuse ho kopa tefo ya ditjeho tsena.
l 9 ha ho entswe kopo mme disebediswa di fumaneha, ba tla o dumella ho ema o arohane le moqosuwa kapa dipaki tsa hae nyeweng.
ha o no tlohelwa ho sebetsana le nyewe o le mong. Haeba o ne o e so tlalehe nyewe ho mapolesa, mofumantshi wa tshebeletso ya setjhaba o tla o thusa ho tlaleha molato; mme haeba o bile lehlatsipa la tlolo ya molao ya thobalano, mapolesa a ka hloka diaparo tsa hao jwalo ka bopaki, moo o ka kopang mofumantshi wa tshebeletso ya setjhaba ho o thusa ho fumana diaparo tse ding.
haeba ha o kgone ho bala, o tlameha ho tsebisa mapolesa, mme ke hona mohlanka wa mmuso wa sepolesa a tlang ho o balla lehla- kore la hao la ditaba mme o hloke hore o tiise dikahare tsa teng ka ho saena kapa ho beha monwana wa hao o motona hodima lona; mme c.
haeba toloko e a fumaneha mme o lakatsa hore o ballwe lehlakore la hao la ditaba ka puo eo o e utlwisisang pele o e tiisa ka ho e saena kapa monwana o motona, toloko e tla sebediswa bakeng sa morero ona.
o tla hloka hore o dule o tsebisa mohlanka wa mmuso ya etsang dipatli- siso ka aterese ya hao, dintlha tsa ho iteanya le wena le moo o tla ba teng ho fihlela patlisiso le teko di qetwa; mme o tla hloka ho tsebisa mohlanka wa mmuso ya etsang patlisiso haeba moqosuwa o itshunya kapa o leka ho itshunyatshunya patlisisong ya molato, haeba a ke ke a ba teng tekong kapa haeba o a o tshosetsa.
1 ikopanya le wena pele ho ho dumela kopo e tlasenyana mme a o kope hore o hlalose ka moo ketso ya botlokotsebe e o ammeng kapa e am- meng ba lelapa la hao.
Kopanong ena o tla ba le monyetla wa ho bolela dintlha tsa tahleh- elo efe kapa efe kapa bohloko boo o bo utlwileng ka lebaka la ketso ya botlokotsebe. Motjhutjhisi o tla nkela maemo ana kaofela hlohong pele a nka qeto efe kapa efe ka ho dumela kopo ya qoso e tlasenyana. Kameho eo ketso ya botlokotsebe e bileng le yona ho wena kapa ba le- lapa la hao e tla bolella lekgotla kapa o tla fuwa monyetla wa ho fana ka bopaki kgotla, kapa tlaleho e hlophisitsweng ke setsebi e tla fetisetswa ho lekgotla nakong ya boemo ba kahlolo; mme boemong ba ho kopana, o tla o kopa hore o bolele dintlha dife kapa dife tsa tlatsetso tse so kang di kenyeletswa lehlakoreng la hao la ditaba. Haeba di tsamaellana le nyewe, motjhutjhisi o tla bolella bohanyetsi dintlha tsena pele ho teko.
haeba ho hlokeha, buisana le wena mme haeba ba fumana hore bopa- ki ba ngaka bo tsamaellana le nyewe, ba tla etsa ditlhophiso bakeng sa tlhahlobo ya ngaka; mme etsa ka hohlehohle, hore tswelopele e be teng ka ho netefatsa hore mofumantshi wa tshebeletso ya setjhaba kapa moithaopi a le mong o sebetsa le wena ho tloha nakong ya ho tlaleha botlokotsebe ho fihla pheletsong ya nyewe.
o dumella ho etsa kopo e ngotsweng ho Modulasetulo wa Boto ya Pa-role ya ho mamela bopaki ba parole mme Modulasetulo o tla o tsebisa nako, letsatsi le sebaka sa ho mamela bopaki; mme o dumella ho fana ka tlhahiso ya hao ka molomo kapa moo ho mame- lwang bopaki kapa ho isa tlhahiso e ngotsweng, haeba o ya ho mamela bopaki ba Boto ya Parole.
Ho tshwarwa ha mmelaellwa b.
Hore o lokela ho ya phareiting ya tshupiso kapa tjhe le letsatsi la phareiti c.
Nomoro ya nyewe ya kgotla d.
Matsatsi a ho mamelwa ha bopaki ba dibeili e.
Tswelopele ya patlisiso le qoso ya nyewe ya hao g.
Qeto efe kapa efe ya ho tlohela kapa ho kgutsufatsa diqoso h.
Letsatsi la teko le sephetho sa ho qetela j.
Letsatsi la ho diha kahlolo le sephetho k.
Thepa e nkilweng e ka batleha ho kgutlisetswa jwang le neng m. Ke ditshebeletso dife tse fumanehang ho sebetsana le ditlhoko tse itseng tsa hao le hore ditshebeletso tsena di ka sebediswa jwang.
moo ho kgonehang le ka kopo ya hao, etsa hore o kgone ho bona pha- phusi ya tsheko pele nyewe e qala, hore o tsebe seo o se lebelletseng; mme netefatsa hore matshwao a hlakileng le ditsela di a fumaneha lekgotleng la dinyewe.
o tshireletsa ho dipotso tse tletseng ntwa, tse utlwisang bohloko le ho nyenyefatsa; mme o tsebisa ka sephetho sa nyewe le hore na ho na le boipiletso kgahl- anong le kahlolo.
ha ho kgoneha, ba tla o felehetsa ho ya kgotla pele ho teko ho o tl-waetsa phaphusi ya tsheko le tse e potapotileng; le o fa tshehetso le khanseling kapa ba o romele ho khanseling ya borutehi le ditshebeletso tsa tshehetso.
ha ho entswe kopo, o fa khopi ya direkoto tsa hao tsa bongaka; le o tsebisa ka ditshebeletso tsa setjhaba tsa tshehetso tse fumanehang le mehala ya thuso e tsamaellanang le nyewe.
1 ha ho entswe kopo, o tsebisa ka ditshebeletso tsa mahlatsipa tse diko- long tse fumanehang tikolohong tse tsamaellanang le nyewe.
haeba o kopile ho ba teng ha Boto ya Parole e mamela bopaki, Modu- lasetulo o tla o tsebisa ka puo eo o e utlwisisang ka ditsamaiso nakong ya ho mamela bopaki le hore ho lebelletswe eng ho wena; le ha ho entswe kopo le ka tumello ya moqosuwa, o tsebisa ka mananeo a ntshetsopele ao moqosuwa a bileng ho oona le hore/kapa o motjheng wa ho ntlafatsa boitshwaro ba hae.
S haeba o nkelwa Lenaneong, o lokela ho latela melao kaofela jwalo ka ha e hlahisitswe tumellanong.
ha o amohetswe Lenaneong, o tla behwa ntlong e bolokehi- leng rnme tlasa mabaka afe kapa afe aterese ya hao e ke ke ya fuwa motho ofe kapa ofe, e seng le ba lelapa kamora hoba o fane ka bopaki, o tla nehwa tsebiso e o tse- bisang hore o tla tloswa Lenaneong nakong e dumellehang; mme o ka ikopanya le mohlanka wa mmuso ya etsang dipatlisiso se- poleseng kapa motjhutjhisi e moholo wa setjhaba bakeng sa tl-hahisoleseding e tswellang ka Lenaneo la Tshireletso ya Bopaki.
o ka isa afidaviti mapoleseng o totobatsa maemo a tlolo ka ya e arabellang; mme mohlanka wa mmuso wa sepolesa o tla tshwara ya e arabellang hanghang bakeng sa tlolo ya thibelo eo ho fanweng ka yona ke lekgotla ka tlasa Karolo ya 7 ya Molao wa Morusu wa Lelapa, Molao wa 1 16 wa 1998.
o tsebisa hore mabakeng a mang lekgotla le ka nna la thibela phatla- latso ya tlhahisoleseding efe kapa efe (ho kenyeletsa boitsebiso ba mo- qosi kapa paki) e amanang le teko kapa karolo efe kapa efe ya yona e kwalletsweng; mme moo ho lokelang, o tsebisa hore motho ofe kapa ofe ya ithaopang ho phatlalatsa tlhahisoleseding efe kapa efe kapa ya inkelang molao ho hla- hisa boitsebiso ba paki, o molato ka ho tlola molao mme a ka qoswa.
nka mehato ho netefatsa hore wena kapa ba lelapa la hao ha ba kotsing.
tlaleha kapa romela nyewe efe kapa efe ho mapolesa moo ketso ya botlokotsebe e hononelwang.
1 haholoholo dinyeweng tsa pet0 le tlhekefetso ya thobalano, Boto ya Parole e ka kenyeletsa dintho tse fumanehang maemong a moqosuwa a parole haeba ho bonahala ho hlokeha ho mo thibela ho ikopanya le wena o sa batle.
ka ho o fa keletso ho thibelo ya botlokotsebe; le ka ho emisa morusu sebakeng sa botlokotsebe.
sa hlophisetswang dinyewe tsa nnete hore o phuthulohe; se dutseng ka tsela ya hore motho ofe kapa ofe eo ho ba teng ha hae ho ke keng ha o tshwara hantle o se ke wa mmona le ho mo utlwa; mme etsang hore lekgotla le motho ofe kapa ofe eo ho ba teng ha hae ho hlokehang ditsamaisong tse tsamaellanang le nyewe ba kgone ho bona le ho utlwa wena hammoho le motho ya bohareng -ka ho totobala kapa ka sesebediswa sefe kapa sefe sa elektroniki kapa sesebediswa se seng -nakong ya hao ya ho fana ka bopaki.
dinyewe tse amang mahlatsipa a ka hlekefetswang ho ya pele di tla potlakelwa kapelepele; mme haeba kgokahanyo ya sekete ya thelevishene e kwalehileng (CCTV) e tlameha ho sebediswa nakong ya ditsamaiso tsa lekgotla la dinyewe, motjhutjhisi o tla hlalosa kamoo sesebediswa se sebediswang ka teng kapa moo ho kgonehang o tla dumella wena le batswadi kapa mohloko- medi wa hao ho bona pontsho ya tshebediso ya sesebediswa pele ho te ko.
thuso ho ikopanya le ba lelapa kapa metswalle b.
thuso haeba o na le matshwao a ho tshwenyeha moyeng kamora nyewe c.
ho o hlalosetsa hore ke mang ya tla beng a le ka kgotla mme ba bapala karolo efe, le ho o thusa ho fumana lekgotla la dinyewe; le iv. ho o lokisetsa ho fana ka bopaki ka kgotla le ho ntlafatsa kopano le motj hutj hisi.
ha ho entswe kopo, ba tla atlehisa puisano pakeng tsa hao le moqo- suwa ha ho na le tlhokeho; mme ha ho entswe kopo kapa moo ho hlokehang, mohlala, haeba o lehlat- sipa mme o kwalletswe kapa ha ho bonahala hore o hloka tshehetso nakong ya ho mamela bopaki ha Boto ya Parole, o tla romelwa ho ba- fumantshi ba tshebeletso e tshwanetseng bakeng sa khanseling kapa ditshebeletso tsa tshehetso.
moo ho tshwanetseng, o fuwa lengolo la ngaka bakeng sa ho se be teng mosebetsing kapa sekolong.
Tefo e bolela tjhelete eo lekgotla la dinyewe la ketso tsa botlokotsebe le o fang yona haeba o lahlehetswe kapa o senyehetswe ke thepa (ho kenyeletsa tjhelete) ka baka la ketso ya botlokotsebe kapa tlolo ya ditokelo ka motho ya ahloletsweng tjhankana ka ho etsa botlokotsebe. Tefo e lebelletse ho boloka baamohedi boemong ba pele ho tahlehelo kapa tshenyehelo.
mohlanka wa mmuso ya boemong ba ho laola nyewe o tla o tsebisa hore, ha o ka hloleha ho hana awate nakong ya matsatsi a mashome a tsheletseng, o ke ke wa kgona ho etsa ketso e kgahlanong le moqosuwa; mme haeba o etsa kopo ho lekgotla ho lefshwa bakeng sa ditjeho tsa ngaka ka dikotsi tsa mmele tseo o bileng le tsona ka lebaka la ketso ya bot- lokotsebe, mosebetsi wa tlhokomelo ya bophelo ya o hlahlobileng o tla kgona ho tshehetsa kopo ya hao ka ho fana ka bopaki lekgotleng la dinyewe le ho fa lekgotla tlhahisoleseding e tsamaellanang le nyewe, ho kenyeletsa ditlaleho tsa ngaka.
Puseletso e bolela dinyewe tseo lekgotla, ka mora kahlolo, le laelang moqo- suwa ho o buseletsa thepa e nkilweng ho wena ntle le molao kapa e sents- weng ntle le molao, hore ho bolokwe boemo boo o neng o le ho bona pele ho khomishene ya tlolo ya molao.
o tsebisa hore puseletso e jwalo e tla kenya ho kgutliswa ha thepa kapa tokiso ya thepa e senyehileng; le o tsebisa hore kopo ya hao mabapi le sena e ka hatellwa ke lekgotla le hore dinyeweng tse tshwanelehang o tla dumellwa ho kenya kopo e jwalo ho lekgotla.
Mafapha le mekgatlo kaofela e amehang nyeweng e ikemiseditse ho fana ka boemo bo phahameng ba tshebeletso, empa ka nako e nngwe dintho ha di tsamaye hantle. Ha di sa tsamaye hantle, mafapha le mekgatlo e batla ho tseba hore ho etsahetse eng.
tlhahisoleseding eo o e fumaneng; kapa c.
diqeto tse nkilweng.
ka kenya tletlebo ka mohlanka wa mmuso wa sepolesa, molao wa tshebeletso ya sepolesa, tshebetso kapa tsamaiso, ka ho ngolla Mokom- ishenara wa Seteishene sa seteishene sa sepolesa se amehang.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le thepa ya hao e lahlehileng kapa e senyehileng ha e le matsohong a sepolesa, o ka nna wa ba le tokelo ya tefo. Lebisa dipotso dife kapa dife ho Mokomishenare wa Seteishene; kapa, haeba ha o a kgotsofala, o ka boela wa bua le Mokomishenara wa Tikoloho wa seteishene sa sepolesa se amehang le dintlha tsa kopo ya hao ya ho lahleheIwa/senyeheIwa. Haeba tletlebo e ntse e so arabelwe ho o kgotsofatsa, o ka bua le Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba.
Haeba tletlebo ya hao e ntse e so arabelwe ho o kgotsofatsa, o ka bua le Taolo e lkemetseng ya Ditletlebo, empa ela hloko hore ho ka buuwa le kantoro ena ka ditletlebo tse amanang le dinyewe tsa boitshwaro ba botlokotsebe bo nahanelwang feela kapa boitshwaro bo sa lokang kgahlanong le maloko a Tshebeletso ya Sepolesa ya Metro le maloko a Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa, ba hlolehang ho etsa mese- betsi ya bona.
Lekgotla la dinyewe moo molato o sebeditsweng teng le ka rarolla bon- gata ba ditletlebo. Haeba o na le tletlebo, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona Motjhutjhisi e Moholo wa Setjhaba lekgotleng la dinyewe moo molato o sebeditsweng teng. Le ha ho le jwalo, haeba Kantoro ya Motjhutjhisi wa lehae e sa arabele tletlebo ya hao ka ho kgotsofatsa, o ka tletleba ho Motjhutjhisi ya ka Sehlohong tikolohong. Haeba tletlebo ya hao e ntse e so arabelwe ka ho kgotsofatsa o ka tletleba ho Molaodi wa Botjhutjhisi ba Setjhaba tikolohong. Yena o tla etsa tlhahlobisiso e ikemetseng. Haeba tletlebo ya hao e ntse e so arabelwe ka ho kgotso- fatsa, o ka buisana le Molaodi wa Setjhaba wa Botjhutjhisi ba Naha.
Haeba tletlebo ya hao e ntse e so arabelwe ka ho kgotsofatsa, o ka buisana le Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba. Ela hloko hore ho ka buisanwa le Kantoro ena ka ditletlebo tse amanang le ketso ya botsa- maisi feela. Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba e ke ke ya etsa patlisiso diqetong tse entsweng ke lekgotla.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le boitshwaro ba mohlanka wa mmuso ya leng boemong ba ho laola nyewe, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona Hloho ya Hloho ya Molao ya lebatowa. 0ka fumana aterese le dinomoro tsa mohala lekgotleng la dinyewe la maseterata wa lehae.
Haeba ha o a kgotsofatswa ke karabo e tswang ho Hloho ya Lebatowa, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona Hloho ya Kgobokantsho ya Molao ya lebatowa le itseng.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le lekgotla la dinyewe la lebatowa, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona Presidente ya Lekgotla la Dinyewe ya Lebatowa la tikoloho e amehang. 0ka fumana aterese le dinomoro tsa mohala lekgotleng la dinyewe la maseterata wa lehae.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le moahlodi wa lekgotla le phahameng la dinyewe, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona Presidente ya Moahlodi ya Karolo e amehang. 0ka fumana aterese kapa dinomoro tsa mohala lekgotleng la dinyewe la maseterata wa lehae kapa lekgotleng le phahameng la dinyewe.
Haeba ha o a kgotsofatswa ke karabo, o ka ngolla Khomishene ya Maseterata haeba tletlebo ya hao e mabapi le lekgotla la dinyewe la maseterata, kapa Khomishene ya Tshebeletso ya Molao haeba tletlebo ya hao e mabapi le lekgotla le phahameng la dinyewe. Haeba tletlebo e ntse e so arabelwe ho o kgotsofatsa, o ka buisana le Kantoro ya Mot- shireletsi wa Setjhaba.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le basebetsi ba lekgotla la dinyewe, mohlala ditlelereke kapa batoloki/ditoloko, o ka ngolla kapa wa etsa kopo ya ho bona motsamaisi wa lekgotla la dinyewe. Haeba ha o a kgotsofatswa ke karabo ya motsamaisi wa lekgotla la dinyewe, o ka ngolla Motlatsa Motsamaisi Kakaretso wa Ditshebeletso tsa Lekgotla la Dinyewe kapa Motsamaisi Kakaretso: Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le kantoro ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o ka ngolla hloho ya kantoro e amehang. Haeba ha o a kgotsofatswa ke karabo, o ka ikopanya le Hloho ya Kantoro ya Lebatowa kapa Provense, hammoho le Kantoro ya Setjhaba.
Haeba ha o a kgotsofatswa ke karabo eo o e fumaneng ho tswa ho mohlanka wa mmuso, o ka ikopanya hape le Lekgotla la Borutehi ba Tshebeletso ya Setjhaba kapa Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba.
Haeba ha o a kgotsofatswa ke tshebeletso e entsweng ke mosebetsi wa tlhokomelo ya bophelo lefapheng la bophelo la setjhaba, o tlameha ho tletleba ho motho ya o thusitseng pele. Le ha ho le jwalo, haeba tletlebo ya hao ha e a rarollwa ho o kgotsofatsa, o ka romela/fetisetsa tletlebo ya hao ho hloho kapa motsamaisi wa tshebediso ya bophelo ya setjhaba moo o hlahlobilweng kapa o phekotsweng teng.
Haeba ha o fumane karabo kapa ha o a kgotsofatswa ke tsela eo tletlebo ya hao e sebeditsweng ka teng ke hloho kapa motsamaisi wa tshebediso ya bophelo ya setjhaba, o ka romela tletlebo ya hao ho Lefapha le loke- tseng la Bophelo la Provense. Haeba ha o a kgotsofatswa ke tsela eo Lefapha la Bophelo la Provense le sebetsaneng le tletlebo ya hao ka teng, o ka kopa boto kapa lekgotla le loketseng la borutehi, le jwalo ka Lekgotla la Borutehi la Bophelo la Afrika Borwa, ho batlisisa taba.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le mosuwe/titjhere kapa mosebetsi ofe kapa ofe sekolong kapa mokgatlong o itseng wa thuto, o ka ikopanya le hloho ya sekolo kapa mokgatlo oo wa thuto. Haeba tletlebo e mabapi le hloho, o ka ikopanya le Lebatowa la Thuto kapa Motsamaisi wa Leba- towa.
Haeba ha o a kgotsofatswa ke tsela eo tletlebo ya hao e sebeditsweng ka yona, o ka ikopanya le Hloho ya Lefapha la Thuto ka hara Provense eo.
Haeba tletlebo ya hao e ntse e so arabelwe ka ho kgotsofatsa, o ka bui- sana le MEC ya Thuto kapa Lefapha la Thuto la Naha.
Haeba tletlebo ya hao e mabapi le mohlanka wa mmuso wa tshebeletso ya tlhabollo, o ka e ngolla Komishenare wa Naha wa Ditshebeletso tsa Tlhabollo kapa Moahlodi wa Tlhahlobo. Ha a fumana tletlebo ya hao e ngotsweng, Komishenare o tla e fetisetsa kantorong e loketseng hore e sebetswe.
Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba b.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa c.
Botsamaisi ba Ditletlebo bo l kemetseng d.
Khomishene ya Tekano ya Bong e.
Lekgotla la Borutehi la Bophelo la Afrika Borwa f.
Tokomane ya Boemo bo Tlasetlase ho Ditshebeletso tsa Mahlatsipa a Bot-lokotsebe e ntsheditswe pele ke Botsamaisi ba Bong Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo, tshebedisanong mmoho le Mafapha a Ntshet- sopele ya Setjhaba, Ditshebeletso tsa Tlhabollo, Thuto le Bophelo, ha mmoho le Bolaodi ba Botjhutjhisi ba Naha ba Afrika Borwa, Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa, Khomishene ya Popobotjha ya Molao ya Afrika Borwa, Khom- ishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba, Botsamaisi ba Ditletlebo bo Ikemetseng, maloko a diKhomishene tsa bo Maseterata le Tshebeletso ya Molao le maloko a Sepolesa sa Metro sa Tshwane.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le ananela botebong ba maikut- lo phehiso e entsweng ntshetsopeleng ya tokomane ke mekgatlo e fapaneng eo e seng ya mmuso.
<fn>2007 Service Charter Sesotho.txt</fn>
Tjhata ya Ditshebeletso tsa Diphofu tsa Botlokotsebe ya Af- ri ka Borwa "Tjhata ya Diphofu" ke tokomane ya bohlokwa ya ho kgothaletsa toka bakeng sa bohle.
Haesale ho tloha ka 1994, le ho latela ntshetsopele ya moya wa ditokelo tsa botho, tsepamiso ya maikutlo e suthile butle ho tloha tshebetsong ya toka e neng e na le dikgohlano le kotlo hoya tshebeletsong ya Toka e Lokisang. Hoo e leng hwa bohlokwa haholo ka Tshebetso ya Toka e Lokisang ke temoho ya hore botlokotsebe ha se feela tlolo ya molao kgahlanong le mmuso, empa hape ke ho lematsa kapa ho fosetsa motho e mong.
Hona hotsamaelana le ponelopele e shebaneng le diphofu ya Leano la Naha la Thibelo ya Botlokotsebe bakeng sa tshebetso ya toka e sebediswang kgahlanong le botlokotse- be. Sepheo se fihlelwang qetelong ke sa matlafatso ya phofu ka ho fihlela ditlhoko tsa yona, e ka ba tse tshware- hang kapa tsa semoya.
Tjhata ya Diphofu le tokomane e hoketsweng ya bonyane ba maemo a amohelehileng ke ditokomane tsa bohlokwa tse hlakisang le ho kopanya ditokelo le ditlamo tse amanang le ditshebeletso tse fuwang diphofu le ba hlekefaditsweng ka botlokotsebe mona Afrika Borwa. Tjhata ya Diphofu e tsamaelana le dipehelo tsa karolo ya 234 tsa Molao wa Motheo.
Ke na le tshepo hore ka maikemisetso le boineelo ba ba kgetha-tema bohle tshebetsong tsa toka kga hlanong le botlokotsebe, Tjhata ena ya Diphofu e tla thusa morero wa ho kenya tshebetsong melao e tshwanetseng ka tsela e tla latela morero wa yona -ho etsa hore toka e be nth0 ya sebele bakeng sa bohle.
Kgatelopele e bonahalang e entsweng ho tloha ho qa-leng ha demokerasi, mabapi le ho fetolwa ha tshebetso ya toka kgahlanong le botlokotsebe ho etsa bonnete ba hore ho fihlelwa ditshebetso tsa toka tsa karabelo ke bohle, ho sa natswe borabe, bong, setso le boemo setjhabeng.
hlakisa maemo a tshebeletso a ka lebellwang ke diphofu le a fuwang diphofu ha di teana le mokgwatshebetso wa toka e kgahlanong le botlokotsebe; le ho hlophisetsa tokiso e nngwe bakeng sa diphofu ha ho sa fihlelwa maemo a amohelehileng.
Tokelo ya ho tshwarwa ka tsela e se nang leeme le ka hlompho bakeng sa seriti sa hao le ho ba le sephiri sa hao.
Mapolesa, ha a etsa diphuputso, batj hutjhisi le bahlan ka ba lekgotla la dinyewe ha ba hlophisetsa nyewe le ka nako ya ho mamelwa ha nyewe, mmoho le bohle ba bang ba fanang ka ditshebeletso, ba lokela ho nka mehato ya hofokotsa nth0efe kapa efe e ka hositisang, ho tswa ho ba bang, mme ho tsamaiswe dipuisano ka puo eo o ikgethelang yona le sephiring, ha ho hlokeha.
Diketso tsena di tla thibela ho tshwarwa hampe hape ha phofu.
Tokelo ya ho fana ka lesedi na le tokelo ya ho fana ka lesedi nakong ya ha ho etswa diphuputso le ha ho mamelwa nyewe ya botlokotsebe.
Mapolesa, motjhutjhisi le mohlanka wa tshebeletso tsa tshokollo ya batshwaruwa ba tla nka mehato ya ho netefatsa hore seo o batlang ho se bua phuputsong, botjhutjhising le ho mamelweng ha parole se a mamel- wa le ho lekolwa ha ho etswa qeto ya ho tswelapele ka phuputso, kapa ho tjhutjhisweng kapa kopanong ya Boto ya Parole.
Tokelo ena e bolela hore o ka ba le seabo (moo ho hlokehang Ie moo ho kgonahalang) tshebetsong ya toka e kgahlanong le botlokotsebe, ka ho kenela dikopano tsa ho mamelwa ha kopo ya beili, nyewe, kahlolo le/kapa kopano ya Boto ya Parole.
Ho bolela hore o tla ba le monyetla wa ho etsa ditatemente tsa tlatsetso mapoleseng ha o hlokomela hore setatemente sa pele ha se a fella; hape, ha ho tshwanelehile, o ka etsa setatemente lekgotleng la dinyewe kapa wa fana ka bopaki ka nako eo ho tla dihwa kahlolo ho lemosa lekgotla ka sephetho se sebe sa botlokotsebe boo.
Ho feta moo o ka nna wa etsa kopo ka lengolo ho Modulasetulo wa Boto ya Parole ho kenela di kopano tsa ho mamelwa ha parole le ho fana ka seo o se tsebang ka lengolo.
Tokelo ya ho fumantshwa lesedi na le tokelo ya ho fumana lesedi le ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao le ka moo o ka di sebedisang. Jwalo ka karolo ya tokelo ena, o ka kopa ho hlalosetswa ka puo ya hao eng kapa eng eo o sa e utlwisiseng.
na le tokelo ya ho fumana lesedi le ho tsebiswa ke baabi ba ditshebeletso ka ditshebeletso tsohle tse tshwanetseng tse leng teng bakeng sa hao.
tla tsebiswa ka seabo sa hao nyeweng le nako e behetsweng nyewe. 0ka kopa lesedi mabapi le matsatsi ao lekgotla le tla dula ka ona, tefello ya ho ba paki le lenaneo la tshireletso ya dipaki.
ka kopa ho tsebiswa ka boemo ba nyewe, hore na motho eo ho thweng o tlotse molao o tshwerwe kapa tjhe, na o qositswe, o fuwe beile, o beuwe molato, o fumanwe a le molato, kapa o ahlotswe.
ka kopa mabaka a qeto e ileng ya nkuwa ka nyewe ya hao, hore ho qoswe kapa tjhe. 0na le tokelo ya ho fumantshwa ditokomane tseo molao o dumellang hore o kgone ho di bona.
ka kopa ho fumantshwa lesedi mabapi le ho mamelwa ha nyewe tseo o ka di kenelang. 0ka kopa motjhutjhisi ho tsebisa ramosebetsi wa hao ka ho mamelwa hofe kapa hofe ha nyewe ho tla etsa hore o se kgone ho ya mosebetsing.
Tokelo ya tshireletso na le tokelo ya ho se tshoswe, tlatlatjwe, tshwengwe, tsha biswe, sokodiswe, fuwe tjotjo, botlokotsebe le tshebediso e mpe. Ha o le paki o tla lokela ho tlaleha ditshoso tse jwalo sepoleseng kapa ho motjhutjhisi wa mmuso ya ka sehloohong.
Mapolesa, ha o ikamahanya le ditlhoko tse itseng, a tla etsa kopo ya hore o kenngwe lenaneong la tshireletso ya dipaki.
Ha kopo e jwalo e atlehile o tla kenngwa lenaneong la tshireletso ya dipaki moo o tla sireletswa, ka moo ho ka kgonehang ka teng, mefuteng yohle ya kgahlamelo e sa lokang, ho tshwenngwa le tshosong.
Sena se tla netefatsa polokeho ya hao jwalo ka paki hore ho fumanwe bopaki ba hao, mme ho thibele le hore o se ikgule ho faneng ka bopaki ka lebaka la kgahlamelo e sa lokang.
Tokelo ena e bolela hore maemong a itseng lekgotla la dinyewe le ka thibela phatlalatso ya lesedi le ha e le efe (hokenyelletsa le boitsebiso ba hao) kapa le ka laela hore nyewe e tshwarelwe sephiring (hose na batho). 0ka kopa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa ho o tsebisa ha setlokotsebe se balehile kapa se fetiseditswe nqeng e nngwe.
Tokelo ya ho thuswa na le tokelo ya ho kopa ho thuswa, mme le moo ho tshwanetseng, o kgone hofi hlela ditshebeletso tse leng teng tsa phedisano, bophelo le dikeletso, ekasitana le thuso ya semolao e loketseng ditlhoko tsa hao.
Mapolesa a tla ho thusa ka ho o hlalosetsa tshebetso ya sepolesa, a ho tsebise ka ditokelo tsa hao le ho o romela ho ba bang ba tshwanetseng ba fanang ka ditshebeletso.
Motsamaisi wa ofisi kapa hlooho ya ofisi lekgotleng la dinyewe o tla etsa ditlhophiso tsa hore ho be le ditshebeletso tsa toloko.
Batjhutjhisi ba tla netefatsa hore ho nkuwa mehato e ikgethang mabapi le tlolo ya molao ka thobalano, merusu ya ka lapeng le ditabeng tsa sapoto kapa tlhokomelo ya bana, le hore moo ho kgonehang, dinyewe di mamelwe makgotleng a kgethehileng a di nyewe.
Ha o na le ditlhoko tse ikgethang, baabi bohle ba ditshebeletso, ho latela mosebetsing wa bona, ba tla nka mehato yohle e loketseng e tla ho kenyelletsa le ho etsa bonnete ba hore ho tshwarwa ka mokgwa o nang le kutlwelo.
Tokelo ya ho fuwa ditlhapiso na le tokelo ya ho lefuwa bakeng la tahlehelo kapa tshenyo ya thepa e ileng ya bakwa ke botlokotsebe bo entsweng kgahlano le wena.
Botlokotsebe wa 5 1 wa 1977. "Tlhapiso" e bolela tjhelete eo lekgotla la dinyewe le e fang phofu e ileng ya lahlehelwa kapa ya senye- helwa ke thepa, ho kenyelletsa le tjhelete ka lebaka la ketso ya botlokotsebe kapa tshitiso ka motho ya ileng a tshwarwa ka botlokotsebe.
Motjhutjhisi o tla o tsebisa ha ho fanwe ka taelo ya ditlhapiso, a ho hlalosetse ka yona le ka moo e ka phethahatswang ka teng. 0ka ritela nyewe kgahlano le moqosuwa moo e leng hore lekgotla la dinyewe ha le fane ka taelo ya ditlhapiso. Hona hangata ho etsahala moo ho seng bonolo ho lekanyetsa tshenyo ka ho ya ka tjhelete, mohlala, jwalo ka tshenyo ya botsitso ba kelello kapa bohloko le mahlomola.
Tlelereke ya lekgotla la dinyewe e tla ho thusa ka phethahatso ya taelo ya ditlhapiso eo lekgotla le faneng ka yona.
Tokelo ya puseletso na le tokelo ya ho buseletswa thepa eo o ileng wa e amohuwa ntle le molao, kapa ha thepa ya hao e ile ya sengwa ka tsela e seng molaong.
pa eo a ileng a fumanwa a le molato wa ho o amoha yona ka tsela e seng molaong, kapa ho lokisa thepa e sentsweng ka tsela e seng molaong, bakeng sa ho busetsa boemo boo o neng o le ho bona pele ha tlolo eo ya molao.
ntse o hopola hore o na le tokelo ya ho tletleba, o ka ikopanya le lefapha le itseng la mmuso kapa moabi wa tshebeletso ha o na le tletlebo efe kapa efe e mabapi le tshebeletso eo o e fumanang, kapa ha ditokelo tsa hao di sa natswe.
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba, b.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa c.
Khomishene ya Tekano ya Bong d.
Bolaodi bo lkemetseng ba Ditletlebo e.
Khansele ya Diprofeshene tsa Bophelo bo Botle ya Afrika Borwa g. Leqwetha le tla kgethwa ke wena ka ditjeo tsa hao.
Bakeng la ho fumana lesedi le eketsehileng ka dintl- ha dife kapa dife tse mabapi le Tjhata ya Diphofu, re kopa hore o shebe tokomane ya Bonyane ba Maemo a Amohelehileng a Ditshebeletso bakeng sa Diphofu tsa Botlokotsebe. Tokomane ena e a fu- maneha ofising efe kapa efe ya mmuso.
Tjhata ya Ditshebeletso tsa Diphofu ya Afrika Borwa e hlahisitswe ke Bolaodi ba Bong Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, ka tshebedisano le Mafapha a Ntshetsopele ya Setj ha bar Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, Thuto, le Bophelo bo Botle, ha mmoho le Bolaodi ba Botjhutjhisi ba Naha, Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, Khomishene ya Phetolo ya Molao ya Afrika Borwa, Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba, Bolaodi bo lkemetseng ba Ditletlebo, Ditho tsa Ditshebeletso tsa Makgistrata le Dikhomishene tsa Ditshebeletso tsa Toka ekasitana le ditho tsa Sepolesa sa Metro sa Tshwane.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le ananela ka botebo dinyehelo tse entsweng ke mekgatlo e meng eo e seng ya mmuso le ditsha tsa thuto tlhahisong ya Tjhata ena ya Diphofu.
<fn>2008 PoliticalPardon_TOR_Sesotho.txt</fn>
MME KA HA pele ho qala nako ya Molaotheo o motjha, mme ka mora moo, melao ya tshwarelo le tshireletso e ile ya kenngwa tshebetsong semolao le ho sebediswa ho fedisa boikarabelo ba bosenyi (mme dinakong tse ding ba diketso tseo e seng tsa bosenyi) le/kapa ho phumula dikahlolo tsa bosenyi tsa batho ba entseng melato pele ho selemo sa 1994 ka baka la dikgohlano tsa mehla e fetileng, [ka boikemisetso ba sepolitiki] ho tswa dipolokelong tsa bona tsa bosenyi, dikotwana tse jwalo tsa molawana, tse bitswang Molao wa Tshireletso (Molao wa 35 wa 1990), Molao wa Tswelopele ya Tshireletso (Molao wa 15 wa selemo sa 1992) le Molao wa Ntshetsopele ya Kopano ya Naha Le Poelano, wa selemo sa 1995 (Molao wa 34 wa selemo sa 1995)("Molao wa Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC)"), o fedile mme o ke ke wa sebedisetswa taba eo ho bolelwang ka yona hajwale.
MME KA HA Karolo ya 84 (j) ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996 (Molao wa 108 wa selemo sa 1996) jwalo ka ha o fetotswe o hlahisa hore Mopresidente " o na le boikarabelo ho tshwarela kapa ho leballa batlolamolao le ho tlosa ditefo, dikotlo kapa dikamoho dife kapa dife".
MME KA HA Mopresidente a tlalehile tumello e kgethehileng bakeng sa ho fumana phethelo ditabeng tse amanang le dikahlolo tsa batho ba tlalehilweng ba entse melato ka maikemisetso a sepolotiki.
Sehlopha sa tshupo se nang le baemedi ba mekgatlo ya politiki se a thonngwa.
Kopanong ya pele ya sehlopha sa tshupo, ditho di tshwanetse ho kgetha Modulasetulo ya tla tsamaisa dikopano tsa Sehlopha sa Tshupo.
Tiisetso ya hore kopo e nngwe le e nngwe e tlatswa ka mokgwa oo ho laetsweng ka oona.
Ho nkela kopo e nngwe le e nngwe hlohong bakeng sa ho tshwarela le ho etsa dikgothaletso ho Mopresidente.
RG e tshwanela ho ntshetsa melao le ditsamaiso tsa yona pele ka ho nkela kopo e nngwe le e nngwe hlohong hore e tshwarelwe tlasa mabaka a ho etsa dikgothaletso ho Mopresidente ho itshetlehilwe kopong e nngwe le e nngwe.
RG e tshwanela ho tsebisa DOJ&CD ka melao le ditsamaiso tsa yona nakong ya matsatsi a leshome le metso e mene ho tloha kopanong ya yona ya pele.
Kopano ya RG e tla ba Motse Kapa kapa sebakeng se seng le se seng se le tla fumanwa ke RG tshebedisanong mmoho le DOJ&CD.
Ditlhophiso kaofela tse amanang le mosebetsi RG di tla etswa ke mohlanka wa mmuso ya kgethilweng ka hara DOJ&CD.
RG e tla ba teng nako ya ho tloha letsatsing la kopano ya yona ya pele ho isa letsatsing leo tshebetso e phethelwang, ho kenyeleditswe matsatsi ka bobedi, letsatsi la morao ha le a tlameha ho feta la 30 Lwetse 2008.
Phethisa ho ya ditsamaiso le mekgwa e behilweng jwalo ka ha e hlahisitswe foromong ya kopo, ba ka etsa kopo ya tshwarelo ho Mopresidente ka mokgwa o behetsweng.
kopo ya hae ya tshwarelo e felehetswa ke afidaviti e behetsweng kapa tiisetso e laeditsweng ho kapa e tiiseditsweng ke motho ya dumelletsweng ke mokgatlo wa polotiki, moo ho yona ho netefaditsweng hore ketso kapa tlhokomoloho e bakileng molato oo ho buuwang ka oona, e etsahetse tlasa taelo ya, kapa ho phetheng taelo, tsela, keletso, morero kapa projeke ya, kapa lebitsong la, kapa ka tumello ya, kapa ka ho ntshetsapele kapa phihlello ya molao, maikemisetso kapa ditjheseho tsa, mokgatlo o boletsweng oo mokopi e neng e le setho kapa motshehetsi.
HA A phethisa ho ya ka ditlhoko tse behetsweng ka nako kapa pele ho dikgwedi tse tharo tsa "lesoba la monyetla" di fellwa ke nako e behetsweng.
Ho tla nkelwa feela hlohong dikopo tse tlatsitsweng ka tshwanelo le ka botlalo ka mokgwa o behetsweng, ho kenyeletswa le ho foromo e balletsweng e etseditsweng lebaka la tumello ena e kgethehileng, nakong ya "lesoba la monyetla".
Ho tla nkelwa feela hlohong kopo e hlahisitsweng ke motho ka mong. Kopo e tlameha ho etswa ke motho ka mong jwalo ka ha ho behetswe le ho kengwa ho DOJ&CD.
tiisa ka tlasa kano hore maemo a tlalehilweng ao molato o entsweng hara oona a nepahetse kapa a tsitsitse ho ya ka diketso tsa polotiki/ke diketso tseo mokgatlo wa polotiki o neng o le karolo ya tsona.
Dikgothaletso kaofela tse entsweng malebana le dikopo tsa tshwarelo di tshwanetse ho romelwa ho Mopresidente.
Kgothaletso e entsweng ke RG bakeng sa kopo e nngwe le e nngwe bakeng sa tshwarelo e tshwanela ho bontsha mehopolo ya ditho tsa bongata le tsa bonyane, ha e le teng, kopong e nngwe le e nngwe.
Mopresidente o na le matla a ho hana dikgothaletso tse entsweng ke RG.
Mopresidente ka mora ho nkela dikgothaletso tse entsweng ke RG hlohong, o na le matla a ho fa kapa ho hana kopo ya tshwarelo.
Ha ho na motho ya nang le tokelo ya ho tshwarelwa ke Mopresidente.
Ho fana ka tshwarelo mothong ofe kapa ofe ho tla lebisa ho pheletso ya kahlolo le poloko ya molato ya bosenyi eo ho fanwang ka tshwarelo ya yona.
<fn>93001VFM2007.txt</fn>
Memorandamo ena e na le maqephe a 8.
Thepa e tswang mafatsheng a mang.
Melemo wa ho ba ka/moka dino tse tjhesang kopa ho natefisa jwala ba setso.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo kaha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Tema e bua ka dipapadi tsa mehleng ya kgale tsa Basotho.vvO qolla tse mmalwa tse neng di bapalwa banana le bashemane.vvBashemane ba ne ba bapala morabaraba, thellisane, phupe-ka -lefe le tse ding ha banana ba bapala mantlwane, kgati le tse ding. vv Ba mehleng ya kajeno ba bapala dipapadi tse kang ditebele netbolo, kolofo ebile ba rata motantsho.vvDipapadi tsa kajeno ha di na kgethollo mantswe ona a ka qojwa ho ngotla mantswe. Di bapalwa ke bana le ba baholo.
Hantlentle Hlomi o tsamaile maoto a mane pele a fihla ho Lerato.
Ka ha Lerato a ne a nthata ka pelo ya hae yohle, o ile a hana moshanyana e mong ya neng a mo fereha ka phaposing ya bona.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa polelwana kapa sehlotshwana sa mantswe ngotsweng ka masakaneng. Ngola feela karabo e hlokehang.
Nthwana tse ngata di qoqwa ke rona.
Moriri o ne o tlanngwe hantle ke Lerato.
Lerato o ile a mpotsa ho re na ke a mo rata.
Lerato, na o ntse o nthata jwalo ka pele?
Lerato o ne a tenne borikgwe bo botsho.
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A 50 TSHEBEDISO YA PUO - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka phethahalo. O sebedisa puo ya bonono le bokgabo ka tshwanelo. - Kgetho ya mantswe ka tsela e tshwanetseng haholoholo. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e hokahaneng. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse loketseng sehlooho haholoholo. - Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele ke bo dumellanang le ditlhokeho tsa sehlooho. - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka nepahalo. O kgona ho kenyelletsa puo ya bonono le bokgabo ka tsela e tshwanetseng. - Kgetha mantswe ka tsela e fapafapanang, mme o a sebedisa ka nepahalo. - Dipolelo le diratswana di na le moelelo, di a fapana. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse loketseng sehlooho. - Tema boholo e hloka diphoso kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe boholo ka ho nepahala. - Kgetho ya mantswe ke e loketseng tema. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ntle. - Setaele, sehalo le rejesetara boholo ke tse loketseng sehlooho. ka tsela e babatsehang. - Ditema boholo di hloka diphoso hoba mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng. - Puo ke e bonolo, matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e lekaneng. - Kgetho ya mantswe ka tsela e lekaneng. - Dipolelo le diratswana di ka fosahala nqa tse itseng, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara ka kakaretso di tsitsitse mmoho le ditlhokeho tsa sehlooho. - Tema e ntse e na le diphoso leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele bo nepahetseng. - Tshebediso ya puo ke e mahareng feela, mme hangata matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e fosahetseng. - Sebedisitse mantswe a bonolo/motheo feela. - Dipolelo le diratswana di fosahetse, empa mehopolo e a utlwahala. - Setaele, sehalo le rejesetara di holoka kgokahano. - Tema e na le diphoso tse mmalwa leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng. - Kgetho ya mantswe e a haella. - Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e bonolo. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse sa lokelang tema. - Tema e na le diphoso tse ngatanyana leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele: o molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng haholo. - Kgetho ya mantswe e fosahetseng. - Dipolelo le diratswana di kopakopane mme ha di a tsitsa. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse ka hohlehohle. - Tema e na le diphoso tse ngatangata mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholoholo.
Phihlello e babatsehang - Dikahare di bontsha kutlwisiso ya sehlooho ka tsela e kgahlisang. - Mehopolo: ke e phepetsang monahano, e tswileng matsoho. - Kgodiso ya sehlooho ka tsela e hokahaneng, dintlhana ke tse hlakileng. Kelohloko e hlokolosi tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo batlang o hloka diphoso, o boheha.
Phihlello e kgabane - Dikahare hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e tebileng. - Mehopolo: o bontsha ho nahanisisa taba, e tsosa tjantjello - Kgodiso ya dintlha ka tsela e nang le moelelo. Ho na le kgokahano. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o bopehileng ka bokgabane, o bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang- Dikahare di ntle mme di hokahana ka tsela e kgotsofatsang - Mehopolo: ke e kgahlisang, e kgolwehang. - Hlahisitse dintlha tse mmalwa tse tsamelanang le sehlooho. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle haholo, o bohehang. Kgato ya 5Phihlello e lekaneng - Dikahare di bontsha hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e mahareng feela. - Mehopolo: ke e tlwaelehileng, e hlokang botebo. - Hlahisitse dintlha tse mmalwa tse loketseng. - Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang. Kgato ya 4Phihlello e mahareng- Dikahare di bontsha hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e mahareng feela. - Mehopolo ke e tlwaelehileng, e hlokang botebo. Ho na le dikgeo kgokahanong. - Mehopolo: boholo ke e nepanang le sehlooho, boiqapelo bo haellang. - Dintlha tse hlokehang boholo di teng. - Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang. Kgato ya 3Phihlello e karolwana feela - Ha se ka mehla dikahare di hlakileng, ha ho kgokahano. - Mehopolo: Mehopolo e mmalwa, eo hangata e iphethang, - Nqa tse ding o tswa lekoteng, leha mohopolo wa sehlooho o ntse o latelwa. - O a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng leha ho entswe moralo wa boitokisetso le meralo ya pele. Nehelano e seng ntle ya moqoqo. Kgato ya 2Ha ho phihlello - Boholo ditaba (dikahare) di tswile lekoteng. Ha ho na kgokahano. - Mehopolo: e a nyahamisa, e a iphetapheta, e tswile lekoteng. - Moralo wa boitokisetso le meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang ya moqoqo.
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE MATSWAO A 30 TSHEBEDISO YA PUO - O hlahisitse sebopeho se phethahetseng - Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang puo e phethahetse - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse - Tlotlontswe boholo e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ditlhoko tsa mosebetsi. - Tema boholo e hloka diphoso hoba di lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse boholo ba melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe hantle mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ka kakaretso ke tse loketseng tema. - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng wa ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopilwe ka tsela e lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e tshwanetse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, ka tsela e lekaneng. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo. Diphoso di mmalwa. - Tlotlontswe e a haella mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo hakaalo. - Ho na le dikgeo setaeleng, sehalong le rejiserateng. -Tema e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: e telele/kgutshwanyane haholo. - Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e lerootho. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e latela. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse sa lokelang tema. -Tema e ntse e tletse diphoso leha lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. -Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e kopakopane. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa haholo mme ha e ya lokela sepheo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -- Tema e ntse e tletse diphoso haholo mme e kopakopane leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e Babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema ke e ikgethileng. - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama hodima seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano e phethahetseng ya dintlha le mehopolo, mme dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e batlang e hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle ya ditlhokeho tsa tema. - O ngola a tobane le mosebetsi ka -moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, mme dintlhana tsohle di e tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela. - Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, mme dintlhana tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e bohehang. Kgato ya 5: 60-69% Phihlello e lekaneng - Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola - moithuti o a kgeloha qalong empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme dintlhana tse seng kae di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e kgotsofatsang, e bohehang. Kgato ya 4: 50-59% Moderate - Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding. - Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tsa motheo tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hokahaneng le ho boheha ka tsela e mahareng feela. Kgato ya 3: 40 -49% Phihlello e karolwana feela - Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang. - Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding. - Ha se ka nako tsohle tema e bontshang kgokahano ya dintlha le mehopolo, mme ho na le dintlhana tse seng kae feela tse tshehetsang sehlooho - Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella. Nehelano e seng ntle ya tema.
Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
moelelo o siretse nqa tse ding.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo mm eke dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho.
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA C : DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE LE TSA TLHAHISOLESEDING/ TSEO HO KA TADINGWANG HO HONG HO TSONA MATSHWAO A 20 TSHEBEDISO YAPUO - O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho. - Puo e sebedisitswe ka ho nepahala mme tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo ka ho phethahala. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopehile hantle mme e nepahetse. - Tlotlontswe boholo e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng. - Tema boholo e hloka diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse boholo ba melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopehile hantle mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ka kakaretso ke tse loketseng. - Tema boholo e hloka diphoso kaha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng mabapi le ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopehile hantle ho lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e lekane, ho tadinngwe sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse tshwanetseng ho lekane. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O na le mohopolo o mahareng wa ditlhokeho tsa sebopeho. - Sebopeho sa tema ke sa motheo feela. Diphoso di ngatanyana. - Tlotlontswe e a haella, mme ha se e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo hakaalo. - Ho dikgeo mabapi le setaele, sehalo le rejisetara. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholo. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e lerootho. - Tema e bopehile ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima. - Tlotlontswe e hloka ho ka lokiswa ka tsela e itseng, mme ha e tshwanele sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha se tse loketseng. -Tema e na le diphoso tse ngatanyana leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. proof-reading, editing. - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho - Tema e bopehile ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. - Tlotlontswe e hloka ho ka lokiswa ka haholo, mme ha e tshwanele sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e na le diphoso tse ngata mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholoholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo e ikgethang ya ditlhokeho tsa tema. - O ngola a tsepame ka hohlehohle ho seo a se ngolang, ha a kgelohe. - Dintlha le mehopolo ya tema di hokahana ka ho phethahala, dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e batlang e se na diphoso ho hang, e bohehang.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle ya ditlhokeho tsa tema. -O ngola a tsepame hantle ho seo a se ngolang, ha a kgeloswe ke letho. - Dintlha le mehopolo ya tema di a hokahana, mme dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e kgotsofatsang ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: o tsepama hodima seo e se ngolang, empa o na le ho kgelokgeloha - Tema e na le kgokahano ya dintlha le mehopolo, mme le dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle, e bohehang.
Phihlello e lekaneng - Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, empa hona ha ho nyotobetse moelelo wa tema. - Dintlha le mehopolo di hokahana ho lekaneng, mme dintlhana tse itseng di tshehetsa tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsokgotsofatsang. Kgato ya 4:50%- 59%Phihlello e mahareng - Tsebo e mahareng ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamiso e haellang ya maikutlo. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Dintlha le mehopolo di hokahana ka tsela e mahareng feela, mme ke dintlhana tsa motheo feela tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsokgotsofatsang ho mahareng. Kgato ya 3:40%- 49%Phihlello e karolwana feela - Tsebo ya motheo feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamiso ya maikutlo e haellang. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, mme moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Ha se ka nako tsohle dintlha le mehopolo di hokahanang, mme ke dintlhana tse seng kae feela tse tshehetsang sehlooho. - Moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di a haella. Tema ha e a nehelwa ka tsela e thabisang Kgato ya 2: 30%-39% Ha ho phihlello - Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, mme moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Dintlha le mehopolo ha di a hokahana, mme ke dintlhana tse mmalwa haholo tse tshehetsang sehlooho. - Ha ho moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele. Nehelano ya tema e fokolang.
<fn>93001VFQ2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
NSC KAROLO YA A TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
Force Khashane o butse mokete ka pina ya setjhaba mme ya dumellana hantle le lepetjo la Proudly South African le neng le e na le baemedi moketeng ona.
Force o hopotsa ditho tsa Bona Empowerment Club hore spaza ke mabenkele a rona a motheo mme a kgothaletsa hore a tshehetswe. A bolela ka moo ho leng bohlokwa kateng ho tshehetsana hore re tsebe ho boloka moruo wa rona ka hara setjhaba sa habo rona. 'Se shebeleng dispaza tlase, rekang ho tsona mme le ntshetse pele setjhaba sa habo lona le tsebe ho ballwa hara ditjhaba tse tswetseng pele', ho bolela Force.
Adriaan Taljaard wa Proudly South African o re lepetjo lena le thehilwe ka selemo sa 2001 ka tshebetsommoho ya mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kgopolo ya ho kgothalletsa theko ya dietswa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa naha, tshebetso ya dikgwebo tse ntjha le theho ya mesebetsi.
Adriaan a mema borakgwebo ba banyenyane hore ba buisane le ba ha PSA hore ke sefe seo ba ka thuswang ka sona. Hoba setho sa PSA o lokela hore dietswa le ditshebeletso tsa hao e be tse entsweng ka hara naha mme hape di tshehetse BEE. Nedlac le DTI di tshehetsa PSA mme ke tsona dikhampane tse tshehetsang borakgwebo ba banyenyane. A re PSA e tshehetsa dikhampane ka ho di kopanya le batho ba ka di thusang ka mekgwa yohle e hlokahalang.
SARS le yona e sebetsa mmoho le PSA. A tswela pele ho hatella bohlokwa ba ho re rakgwebo a ingodisetse ho lefa VAT hore a tsebe ho ba le menyetla ya ho fumana mesebetsi e meholo ya mmuso.
Proudly South African ke leano la ho nyolla moruo wa Afrika Borwa. Le tsheheditswe haholo ke mmuso, basebetsi, dikgwebo le mekgatlo ya setjhaba ka kakaretso.
Leano lena le kgothalletsa hore ho sebediswe bonyane 50% ya dintho tsa Afrika Borwa tse kang dikhampane, dihlahiswa, ditshebeletso, basebetsi jwalo jwalo.
Maikemisetso a maholo ke ho kgothaletsa bareki le dikhampane ho sebedisa dihlahiswa le ditshebeletso tse nang le letshwao la Proudly South African.
Ba ha Proudly South African ba bapatsa dintho tse ngata ho kgothaletsa tshebediso ya dihlahiswa tsa kwano le hona ho tshehetsa ditho tsa bona. Baahi bohle ba tshehetsa leano lena.
Ho ya ka ditaba tseo o di badileng, bohlokwa ba pina ya setjhaba ke bofe?
Ka polelo e le nngwe sebedisa mantswe a hao ho hlalosa ka botlalo seo o se utlwisisang ka tema ena.
Qolla diakronime tse tharo tse boletsweng temeng o be o di ngole ka botlalo.
Tswekere ya Illovo e matlafatsa MaAfrika Borwa. Tswekere ya Illovo e tshweu kapa e sootho e fumaneha e thumisehile kapa e sa thumiseha.
E sootho le yona ke tswekere e feletseng ya tlhaho. Ha e na dikhemikhale le metswako ya ho fetola mmala. Le yona e ntle bakeng sa ho baka le ho noka dino tse tjhesang athe e tswa pele ho natefisa jwala ba setso ba KwaZulu- Natal.
Tswekere e sootho e phuthetswe ka makgethe, e fumaneha ka boholo ba 250 g le ka 500 g, athe e tshweu yona e fumaneha ka boholo ba ho tloha ho 1 kg, ho ya mokotleng wa 2,5 kg, athe e rekwang haholo ke ya boholo ba 12,5 kg.
Dipakana tsa Illovo di a fumaneha mmarakeng mme moreki ka mong o fumana ya boholo boo a bo ratang. Ka hoo, sheba dipakana tse mmala o mosweu le botala ha o kena mabenkeleng a maholo. Bohle ba rata Illovo!
Ke mofuta ofe wa tswekere o hlahellang setshwantshong sa papatso e ka hodimo?
Ke mebala efe eo sehlahiswa se bapatswang ka hodimo se fumanehang ka yona?
Phapano ya boima dipakaneng ditswekere tse pedi setshwantshong se ka hodimo ke okae?
Ha o bapisa dipakana tsa Illovo tse hlahisitsweng setshwantshong se ka hodimo, ke pakana efe e fumanehang ka theko e tlase?
Bolela melemo e mmedi feela ya sehlahiswa e totobatswang papatsong e ka hodimo.
Na ke nnete hore tswekere ya Illovo e fana ka matla Nnetefatsa karabo ya hao ka ho qolla polelo e dumelanang le karabo ya hao?
Bala tema e latelang ka hloko. Ha o qeta akaretsa mehopolo ya sehlooho ka dipapadi tsa bana ba Basotho ba kgale le ba kajeno. Ngola ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao.
Bana ba mehleng ya pele ya Basotho ba ne ba rata papadi eo ho thweng ke hotsitsi eo ba neng ba e bapala ba entse sakanalankope, ba tshwarane ka matsoho, ba teetse e mong hare ya ntseng a hlahloba moo a tla tswang teng.
Papadi tse kang morabaraba, thellisane, phupekalefe di ne di bapalwa ke bashemane haholo thakaneng kapa naheng kwana ha ba alositse, hobane e ne e se ha ngata o ka fumanang bashemane ba kopanetse dipapadi le banana. Ba ne ba e na le dinqalo tseo ba bapallang ho tsona, ka nako eo dikgomo di qalang ho tlwaela makgulo, kapa ha di bothile, hoba di nyolohe mokgwabong.
Mahaeng papadi e kgolo ho banana e ne e le diketo kapa ho tlola kgati; ho seng jwalo o tla fumana ba ipapalla mantlwane, papadi e ratwang ke banana ba Basotho haholo. Anthe bashemane ka nako e nngwe, naheng kwana ba ne ba bapala ka mahlaka, e leng mokgwa o motle wa ho ithuta ho kalla. Ba bang ba bona ba betsana ka disu, ona le wona e sa le mokgwa o mong o motle wa ho ithuta ho qoba le ho tlola ditshwepo.
Dipapadi tseo re di bonang kajeno ke tse kang bolo ya maoto, tenese, krikete, kolofo, ditebele, ditantshe, netbolo le tse ding tse kang chess jwalojwalo. Dipapadi tsena di bapalwa ke e moholo le e monyane, bashemane le banana mme ha ho kgethollo ho tsona.
E qotsitswe le ho lokisetswa mosebetsi ho tswa bukeng ya Mehla e a fetoha, J.J.
Bala tema e lateng ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tse thehilweng hodima yona.
Ha ke ntse ke eme moo, ke bile ke se ke lahlehetswe ke mamello, ka bona Lerato a hlaha, naletsana ya ka. Ra shebana nakwana pele re buisana. Ntho yane eo ke neng ke se ke e tlwaetse ya qala hape ka sefubeng. Ruri e ne e le mohaladitwe ka nnete. O ne a nkile moriri ona a o tlameletse ka morao; o le motsho o re tsho, o nyalellana le ntshi tsena tsa hae. A be a tena bolousu bo bofubedu bo neng bo tsamaelana le masale ao a neng a a rwetse; empa a hlile a le manyenyane. Thekeng a itlamme ka forosekoto ya bomamphehi; ho bonahala hore o ne a ntse a sebetsa; moo foresekoto ena e fellang maotong ho hlahile maoto a borikgwe bo botsho, kausu tse ntsho le dieta tse ntsho.
Tloo re kene Hlomi o tlo bona bomotswala ba ka, ke kgolwa hore ba tla thabela ho o tseba haholo. Ke kgale re o lebeletse, o diehile kae?
Ha re ntse re qoqa jwalo ha hlaha ntate e mong eo ke neng ke qala ho mmona. A bitsa, mme ha sala nna le Lerato feela, e leng motsotso oo ke neng ke o hloka ho feta yohle. Ka mo sheba ka mahlo a neng a mmolella hore jwale ke nako ya rona, mme ka tsamaya maoto a mararo ke lebile teng ha a etla a potlakile a ntshwara: 'Hlomi utlwisisa hle, ntate o tla elellwa ka pele hore ha ke yo, mme o tla nkgalefela haholo.'
Lerato, ke a tseba ntate wa hao o jwang, empa ke kgolwa hore o a utlwisisa ka moo ke hlokang ho ba le wena ka teng, e leng ntho ya bohlokwa ho nna, empa ke bona hore wena ha o kgathalle maikutlo a ka. Lerato e be o ntse o nthata jwalo ka pele?
Hlomi, ke ntse ke o rata.' Ke yena eo ka lentswe le bonolo.
Ho lokile Hlomi ha re tsamaye. Empa ke kopa hore re se nke nako e telele hle Hlomi.' Ka se mo arabe ha re ntse re tsamaya. Ha re fihla teng ka mo tshwara lethekeng, mme ka nka letsoho la hae ka le potetsa ho la ka.
Hoba re fihle fateng seo, ra qoqa nthwana tse ngata, le ha a ne a le bodutunyana jwalo. Ka thola ka mo sheba ka mahlong motsotso o molelele; ka moo a neng a le motle ka teng ha a ne a le bodutu jwalo, a bile a nthoba maikutlo.
Ka mo hulela ho nna ka bonolo, ke itshetlehile teng. A thotse a sa bue letho, mahlo ona a le sefahlehong sa ka, a sa panye ho hang hoba yena o ne a e na le bona bokgoni boo. O ne a hlile a se jwalo ka mehleng ha a ne a mmamarela le pele ke mo tshwara. Ka mo tshwara marameng ka matsoho a mabedi ka bua ka ntswe le hweshetsang ka re: 'Lerato o a nthata?
Polelo ena e temekisong ya tatolo/kganyetso, 'Ka se mo arabe ha re ntse re tsamaya.' Fetolela dipolelo tsena tse latelang tatolong/kganyetsong.
Hoba re fihle fateng seo, ra qoqa nthwana tse ngata.
Hlomi, ke ntse ke o rata.
Nehelana ka malatodi/diantonime tsa matswe a ngotsweng ka botsho dipolelong tsena. Ngola feela karabo ya hao nomorong e loketseng.
Ka bona Lerato a hlaha, naletsana ya ka.
O ne nkile moriri ona a o tlameletse ka morao.
Hlomi o ne a lokela ho qala mosebetsi wa hae.
Ngola mantswe a ka masakaneng sebopehong se nepahatsang dipolelong tsena tse latelang.
Hlomi, tseba hore (-rata) la ka ho wena ha se le ka felang.
Lerato ke ngwanana ya nang le (-hlompha) ho batswadi ba hae.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa mantswe a ka masakaneng a ngolwe sebopehong se nepahetseng ho etsa hore polelo ka nngwe e hlahise moelelo o phethahetseng. Sehella mantswe ao mola.
Moriri wa Lerato o ne o le (-lelele) a bile a o tlameletse ka morao.
Hantlentle Hlomi o tsamaile maoto a (-ne) pele a fihla ho Lerato.
Lerato o ne a rwetse masale a (-fubedu) tjena, a bile a tsamaelana le mose wa hae o mofubedu.
Bopa polelo e le nngwe ka ho kopanya dipolelo tsena tse pedi. Qala polelo ya hao ka lekopanyi leo o le filweng ka masakaneng.
Lerato o ile a hana moshanyana e mong ya neng a mo fereha ka phaposing ya bona. Lerato o ne a nthata ka pelo ya hae yohle (ka ha).
Lentswe lena 'naletsana' ke nyenyefatso ya 'naledi'. Naletsana e bopilwe ka ho kgomathisetsa lebopi la nyenyefatso '-ana' ho lebitso naledi. Nyenyefatso ena e supa lerato kapa qenehelo. Le wena ipopole nyenyefatso ka tsela ena ka mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tsena. Ngola karabo feela mabapa le nomoro e loketseng.
Hlomi o ne a bolelle mmae ka tsa mokete wa letsatsi la tswalo la Lerato.
Mohlomi o ne a ithatela moriri ona wa Lerato ha o tlanngwe hantle.
Masale a Lerato a ne a le manyenyane ditsebeng tsa hae.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa polelwana kapa sehlotshwana sa mantswe a ngotsweng ka masakaneng. Ngola feela karabo e hlokehang.
Lerato o tsebisitse Hlomi (bana ba malomae) ha a fihla lapeng.
Mohlomi o ne a ntse a e na le (monna le mosadi ba mo tswalang) ka bobedi.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Lerato o ne a botsa Hlomi dipotso.
Ra qoqa nthwana tse ngata.
Lerato o ne a tlamme moriri hantle.
Ngola polelo ena hape, empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa polelo.
Lerato o ile a (nbotsa) ho re na ke a mo rata.
Lerato, na o ntse o (nrata) jwalo ka pele?
Ngola polelo ena ka Sesotho se nepahetseng.
Lerato o ne a kentse borikgwe bo botsho.
<fn>93001VME2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 5.
Ee. Monnamoholo o ne a dutse ka tlasa sefate.
"Ha e le motjheso wona ke we sengadingadi."
Di ne di etsahala Block 4 motseng wa Kutlwanong.
Ho ne ho phomoseditswe ka senomaphodi le dikuku.
O ile a re motho yane ya tlang le mane e kaka ke Mojalefa.
Ke hobane Letsema e se e le monnamoholo/ leqheku. Hape ke tumediso ya theneketso.
O sitilwe ke ho ba teng ha Mmaneo.
8 Hobane o ile a re ho mohatsae Mojalefa o a kgathatsa.
Mohlomong ke hobane Mojalefa o dula a ba etetse ka mehla, kapa monnamoholo o ne a batla ho dula a le inotshi/ mong a iphomolele.
Ke ditaba tsa hore o kulelwa ke moradi wa hae wa ho fejana, o fumane hlooho ya hae e tjhesa ha a tswa mosebetsing.
O ile a batla hore mosadi a be teng ha ba buisana le Mojalefa ka ditaba tseo Mojalefa a tlileng ka tsona.
Ee. Monnamoholo o itse Mojalefa o a kgathatsa, mosadi yena a re ha a kgathatse hoba ke motho ya phahameng ka kerekeng.
Tema e re bolella ho re ke moholo wa kereke.
Ho phomola/ iketla/ kgatholoha.
nqa e nngwe ho fihlela le fela.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo kaha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Motho ha a utlwisitswe pelo bohloko, ha a lokela ho inehella jwala le dithethefatsi. O tla be o itheola seriti ha o kgutlela ho moratuwa wa hao wa kgale, kapa o iphetetsa. O ka hlola mathata ana ka ho iphapanyetsa ona. O se etse bowatla ka ho mo letsetsa kapa ka ho mo romella melaetsa.
Bana ba mophato wa borobedi ba rutwa ke monghadi Lehlaso. Ba mphato ba ne ba le teng moketeng.
ne a hlenne, melomo ena ya hae e rephile.
a kgannela dinku mabeleng.
Molomo ona wa hae o ne o rephile.
A robile molala wa botlolo.
Marapo a dieta a kgaohile.
Letsoho la ka le ruruhile. (sethatho) Mosuwehlooho ha a le siyo, letsoho la hae mong, Sello o tshwara tsamaiso ya sekolo (o ritsitseng).
O ile a itokisa hantle ha a ne a ya moketjaneng.
Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong.
Motse wane ke moo ke holetseng teng.
<fn>93001VME2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 4.
Hore Sekgukgune a se bipetswe ke mobu.
Hore lentswe la Sekgukguni ya kentsweng lebitleng la Ramoroko le tle le utlwahale ha a laela mofumahadi ka tsa tefo.
Mafosisa. Ngaka e ile ya thoba dihlabi feela, ha e a ka ya mo fodisa.
Morena o hlokahala tjena...
O tla bipetsana.
Ditulo, Khemera, thaolo, lebokoso la ho tshwara dijo / dino tse hatseditsweng.
E ratwa haholo ke bashanyana.
Basotho ba ne ba ntse ba e bapala seholoholong.
E bapalwa ke dibapadi tse pedi, di sebedisa matsoho le maoto.
Ho hlokeha matla le maqiti a ho leka ho diha e mong.
E kgothalletsa mmele o shahlileng.
Motsamaisi wa yona o hlokomela hore dibapadi di se ntshane kotsi.
Ya dihuweng o hlotswe, o a amohela.
E.H. Ho amohelwe mantswe a pakeng tsa 60 le 70 ho latela ditaelo.
Mohlomong motho o sitiswa ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Mohlomong motho a ka sitiswa ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Jwala bo nowa ke baithuti ha ba le sekolong.
Lehlalosi la nako. Baithuti ba ntshepisitse hore ba tla sebetsa ka thata selemong sena.
Sefate seo / seno se haufi le ntlwana se nosetswa ke mang?
Hantle hampe: Morwesi o apere hampe kajeno. Haufi hole: Toropo ya Maseru e hole le sekolo sa heso.
Noka letswai pitseng eo pele nama e butswa. Nkgono o robetse a opelwa ke noka.
Baithuti ba fumane ditokomane tsa bona hobane ba sebeditse hantle ditlhahlobong tsa bona.
Sona se qadile ka mafu a mangata. K e amohetse lona le tswang ho mopresidente.
Hapa meputso e fihlellang ho R111 000. Se bonahala ho feta tsa dihlooho tse ding.
Ha se dintlha tseo babadi ba tlo bala ka tsona.
'Tjhentjha bophelo ba hao ka ho ba setho sa BONA Club.'
Tse tshosang. Banna ba SA ba botswa tlolo. Ha se banna feela ba botswa, le basadi ba teng ba botswa.
<fn>93001VQE2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Letsatsi ke la leteterre. Ha e le motjheso wona ke wa sengadingadi. Motjheso ona ke o mona oo ho thweng o ntsha kwena bodibeng. Kwana motjheso moraorao tjena ha e sa le mohlolo naheng ena. Motjheso wa naha ena ditshiung tsa moraorao tjena o bakile komello e kgolo. Ka lebaka la motjheso ona monnamoholo Letsema o dutse tlasa sefate sa morara se ka pela ntlo ya hae e Block 4 motseng wa Kutlwanong. Sakatuku sa hae se ne se re te ke mofufutso o ntseng o qetha ho yena. Ha a tla dula ka ntle tlasa sefate sa morara, monnamoholo o ne a sa tswa fihla ho tswa mosebetsing letsatsing lena la Labohlano leo e bileng e leng la mafelo a kgwedi.
A sa dutse moriting ona wa sefate sa hae, a bona ho nyoloha motho ka seterata tlase mane.' Motho yane ya tlang le mane e ka ka Mojalefa. 'Ho realo monnamoholo. 'E re ke tadimisise hantle. 'Banna, e fela e le yena. Ha ho sa na thuso, o se a mpone. Ke se ke tla mpe ke dule ho fihlela a ba a fihla. Ekaba o tla ka dife kajeno Hoja Mmaneo o ne a le siyo ke ne ke tla mo leleka. E re ke thole. Mojalefa o tloha a elellwa hore ke ntse ke bua ke le mong hoba jwale o se a atametse.' Hang hoba a realo Mojalefa a be a se a fihlile. 'Dumela tau ya kgale!' Ke Mojalefa eo. 'Dumela moshanyana ka!' Ho araba Letsema?
Moo Mojalefa a reng o tla dula mohlweng o ka tlasa sefate sa morara Letsema a re ho yena: 'Butle, a ko eme hanyenyane nke ke yo o latela setulo ka tlong.' Ha a realo a be a se a ema ho ya se lata. Ha a le ka tlong a re ho Mmaneo: 'Setulo se moo se dulwang ka ntle se kae' Eo a araba ka ho re a re: 'Hao! o isa setulo kae Ha ke re ntate ha o fihla mo ke ile ka o fa setulo' Letsema a mo araba ka ho re: 'Ee, ke nnete o mphile setulo mme. Ha ke re Mojalefa ya moo ya kgathatsang o qeta ho fihla ka ntle ka mola. 'Ha a realo a qamaka ho batla setulo.' Ae bo ntate, motho eo ha a kgathatse. A ka kgathatsa jwang e le moholo wa kereke ya rona E re nke ke phumole setulo seo ka lelapi lena pele o se nka.' Ha a realo a be a se a ntse a se phumola?
Letsema a tswa ka setulo, mme ha a fihla ka ntle morareng a se fa Mojalefa. 'Ke a leboha ntate. Le hlotse jwang he ntate Letsema' Ho botsa Mojalefa. 'Re hlotse ngwana ka ha e se motjheso ona o tepeletsang. Lona le hlotse jwang' Ho araba Letsema.' Tjhe le rona re hlotse ntate ha e se moradi wa ka wa ho fejana eo ke fumaneng a se na bophelo ha ke tswa mosebetsing. Hloohonyana ena ya hae e ne e tjhesa. Empa tjhe, le ha ho le jwalo re sa bo leka. 'Ho realo Mojalefa. Ba sa dutse ha be ho se ho kupa lerole.' Monna wa heso e seng re balehele ka tlong. Lerole la mona disanteng le ka o etsa motho ya leshano. Ha Mojalefa a utlwa tseo yaba ha sa qeaqea o se a ema a sala monnamoholo Letsema morao. Kwana lerole lena e ne e le setsokotsane se iphetelang. Le ha ho le jwalo Letsema o ne a thabile hobane ka tlong ba ne ba tla kopanela sena seo Mojalefa a se tletseng le Mmaneo mosadi wa hae. Ha ba fihla ka tlong ba hla ba fetela ka phaposing eo ho rojwang monakedi ka ho yona. Hoba ba kene, Mmaneo a tlisa senomaphodi le dikuku. A dumedisa Mojalefa, ha a qeta a ntano dula fatshe ho nwa senomaphodi le bona?
Sebakeng seo monnamoholo a neng a dutse ho sona ho ne ho tjhesa haholo. Na o a dumela Tshehetsa karabo ya hao?
Mongodi o re letsatsi e ne e le la leteterre, ho bolelang ho re letsatsi le ne le tjhesa haholo. Qolla dipolelo tse ding tse pedi tse bolelang sena tse tswang temeng.
Ditaba tse phetwang tsena di etsahala hokae?
Na nako eo tsena di etsahalang ka yona ke nako ya tswelopele kapa ke nako ya kgalekgale Tshehetsa karabo ya hao?
Letsema o ne a akanya hore motho ya tlang ho yena ke Mojalefa. Ke mantswe afe temeng a bontshang hore o ne a se na bonnete ba taba ena?
Ke hobaneng ha Mojalefa a dumedisa Letsema ka mantswe aa 'tau ya kgale'?
Monnamoholo o sitilwe ke eng ho leleka Mojalefa, ha a bonahala a ne a batla ho etsa jwalo?
Na e be ha o bona, hobaneng a ne a batla ho leleka Mojalefa?
Ka tjhebo ya hao, ke hobaneng ha monnamoholo Letsema a re Mojalefa o a kgathatsa?
Ke ditaba dife tse sa thabiseng lapeng la Mojalefa tseo a di bolelletseng monnamoholo Letsema?
Na o bona dikamano pakeng tsa Letsema le mohatsa hae di le jwang Tshehetsa karabo ya hao?
Monnamoholo Letsema le mohatsae ba utlwisisa/tadima Mojalefa ka tsela e sa tshwaneng. Na o a dumela Tshehetsa karabo ya hao?
Ke sefe se bontshang hore Mojalefa e ne e le motho ya phahameng ka kerekeng?
Letsema le Mojalefa ba tlositswe ke eng ka ntle moo ba neng ba dutse ho ya ka tlong.
Bala ditaba tsa tema e latelang ka hloko le kutlwisiso. Ha o qeta akaretsa ditsela tseo motho a ka sebetsanang le kgatello ya maikutlo ka tsona ka mantswe a hao a sa feteng 50. Ngola ka mokgwa wa ho lokodisa dintlha. Ngola palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao.
O phoquwe ke motho eo a neng a mo rata. A siya pelo ya hae e le bohloko. Lona baena le dikgaitsedi le tlameha ho tseba hore ho utlwiswa pelo bohloko ha ho bolele hore motho o tlameha ho inehella jwala le dithethefatsi. Ke bolela le hona ho leka ho kgutlela ho moratuwa wa hao wa kgale.
Re sa bue letho ka ho leka ho iphethetsa, nnete ke ho re ha ho tlhokeho ya ho itheola seriti. Jwalo ka ha ngaka McGraw a bolela: 'Ho nna o iphetisa pela habo moratuwa wa hao wa mehleng, ho mo letsetsa kapa hona ho mo romella melaetsa e mengata ka e-meile ha se ntho eo o tlamehang ho nna o e etsa.' Ho ka hlola mathata ana o tla tlameha ho ka iphapanyetsa ona. Mohlomong o ke o lebale o be o qale ho nahana botjha ka mora dilemo tse hlano.
Maikutlo le ditletlebo tsa hao le tsona di hloka ho tsotellwa, o di mamelle. Ena ke e nngwe ya ditsela tsa ho laola ho tetebela ha maikutlo hobane ke wena ya ikgethelang ho utlwa bohloko.
O ne a hlenne, melomo ena ya hae rephile, a tsweretse mahlo ao bofubedu bona ba ona e neng eka ba mokoko o nwele mahe. Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong. Ha a tsamaya, o ne a kapeha, eka motho ya thibang dinku tse batlang ho kena mabeleng. Ha a bua, o ne a lepolosa lentswe jwalo ka mokudi ya kulelang lefu. Ka nako e nngwe o ne a bitswe fatshe, a be a mamelle lefatshe nakwana. E re nengneng a eme a leke ho tsamaya. E ne e se feela, Ralehlatsa o ne a robile melala ya tse ngata dibotlolo tsa mohlang oo. Homme hona mohlang oo, o ne a lokela ho etsa mosebetsi pele letsatsi le dikela. O ne a lokela hore a be a qetile mosebetsi oo ka ha ka le hlahlamang o ne o batlwa ke mookamedi wa hae.
Ka thaveneng ka mona ho ne ho tletse ba mphato wa hae. Ho ne ho tletse hoo e neng eka baeka ba ka kopanong ya moo ba sebetsang. 'Banna, mookamedinyana yane o itse ke lokise mosebetsi ola oo ke le bolelletseng hore nna ha ke e so o etse.' Ke Ralehlatsa a realo a kebisa hlooho. 'Ke a kgolwa le sa hopola hore maobane ha re di lahla, ke ile ka le bolella hore ha e sa le a ikwalletse le nna ofising, a ntjhwatlela, a mpolella ka moo ke sa etseng mosebetsi ka teng. Ke a kgolwa le sa hopola hore ke ile ka le bolella hore o bile a ntshepisa hore o tla tlalehela ba baholo taba ena ya ka haeba eba nke ke ka lokisa ditaba tsa ka.' Hoba a realo, a ka a thola hanyenyane a ntano bohlela hodimo, a emetse ho utlwa karabo ho tswa ho ba mphato wa hae.
Ralehlatsa moshaneso, ke thabile hampe ha e le mona o se o elellwa ha ho e na le motho ya o qholotsang. Mosebetsinyana oo o se ke wa o etsa. Mokgatlo wa rona wa basebetsi o tla o buella o be o o namolele ho mookamedinyana eo ya fang batho mosebetsi jwalo ka ha eka ke makgoba'.
Fana ka mantswe a mabedi a nyenyefaditsweng ho bontsha nyediso/nyefolo.
Ngola lentswe lena 'moshaneso' ka botlalo.
Temeng eo o e badileng, kgetha mantswe a mabedi a bolelang methaka.
Nepahatsa dipolelo tse latelang ka ho sebedisa maetsi a ka masakaneng.
Mokgatlo wa basebetsi o tla o (buelella).
Ke tla (tlaleha) ba baholo ka ho se phethe mosebetsi wa hao.
Ho ya ka wena, ho kebisa hlooho temeng moo ho o fa moelelo ofe?
Mantswe aa 'mphato le mophato' a fapana jwang A ko a hlalose ka ho a sebedisa dipolelong tseo o tla iketsetsa tsona ho hlahisa moelelo wa ona?
Mahlo a hae a mafubedu a re ! Tlatsa ka leetsisa le nepahetseng.
Qotsa dipolelwana tse pedi temeng tse bontshang hore Ralehlatsa o ne a tahilwe.
Mantswe a sekamisitsweng a bongateng. Ngola polelo tsena ka nepahalo empa o a sebedisa a le bonngweng.
Melomo ena ya hae e rephile.
Dipolelo tse pedi tse ka hodimo di bontsha lerui. Ipopele polelo eo e leng ya hao moo o totobatsang lerui.
Hlalosa maelana /sekapolelo sena 'o ne a bitswe fatshe'.
Lentswe lena 'hlenne' temeng le ritsisitse/suthisitse moelelo wa lona wa sethatho. Bopa dipolelo tse pedi ka lentswe letsoho ho bontsha moelelo wa sethato le o ritsitseng.
Qolla lentswe le sothofaditsweng le sebedisitsweng temeng.
Polelo ena ' ke ile ka le bolella hore ha e sa le a ikwalletse le nna ofising, ...' e sebopehong sa boiketsi. Bopa polelo eo e leng ya hao e sebopehong sa boiketsi ka leetsi 'lokisa.'
Temeng eo o e badileng, qotsa polelwana eo ho sebedisitsweng papiso ho yona.
Bolela mofuta wa polelo o sebedisitsweng meleng e mmedi ya pele temeng ena.
Sebedisa lesupi lena 'wane' polelong eo o ipopetseng yona.
<fn>93001VQE2008.txt</fn>
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dipotso tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Re tla bula lebitla la morena hanyenyane feela, mme ebe wena o a kena. Ke tla beha lekapa (lesenke) ka hodima hao ke ntano kgutlisetsa mobu. Jwale ke tla siya lesoba le lenyenyane ka bohlale, e le hore o se ke wa bipetsana. Hape lesoba leo, ke moo wena o tlang ho bua teng ka nako ya teng, e beilweng !
Ha o se o kene ka lebitleng, nna ke tla fetela motseng.
Sekgukguni a botsa ka ho makala, 'O bolela hore o tla ya tsebisa mofumahadi le lekgotla hore morena wa bona o tsohile bafung?
Ho jwalo, ha ho jwalo. Mohla phupu ya morena ke na be ke le teng. Ke se ke ile ka o bolella hape hore ke ne ke hlokometse hore ho se be le ya ntemohang. Hona mohla phupu eo ya morena Ramoroko ke ne ke utlwe le leng la matona le bolela ka moo morena a kutseng nako e telele ka teng. Le bolella setjhaba ka moo morena a tsamaileng dingakeng tsa sekgowa le tsa sesotho ka teng. La qetella ka ho bolela hore morena o kile a ba bolella ka ngaka ya sesotho hole Natala e kileng ya batla e thoba dihlabi tsa hae. Morena o timela tjena e le hore o ne a itokisetsa leeto la ho boela a ilo bona ngaka eo ya hae Natala kwana.
Ke tla bolella mofumahadi le matona a hae hore ke ngaka e hlahang Natala kwana. Ke tla bolela hore nkile ka nna ka phekola morena Ramoroko ha a ntse a phela.
O kile a mpolella sebaka le tulo moo a jakileng teng, mme ke ne ke le lekgatheng la ho tla mmona, ha badimo ba mpolella hore o hlokahetse.
Kgele, efela o a tshetleha weso. Ruri o bohlale. Empa na monna o hopola hore ba tla dumela seo o se buang ha o re morena o ne a o kolota' Ke Sekgukguni eo. 'Ba tshwanetse ho dumela ntle le ho qeaqea. Ke tla re morena o ne a nkolota, mme o itse ke lefuwe diponto tse dikete tse mashome a mabedi.' Jwale nna ke kena kae' 'O kena tjena,' o a bososela, o thabile. Ke tla bolella mofumahadi le matona hore morena o itse ba tsamaye le nna ho ya lebitleng la hae ho ya ikutlwela ka tsebe tsa bona ha a buisana le mofumahadi; a mo hlalosetsa ka nna..?
Ha re fihla lebitleng nna ke tla atamela lesobeng lane. Ke tla ipolela hore ke nna mangmang ya hlahang ka mona ka Natala. Ke tlile ka pitso ya hae, hore ke tlo lata ditefo tsa ka, mme mofumahadi, matona le setjhaba ke bana ba teng. Jwale he, wena o tla arabela ka lentswe le phefa, o bolele ka moo e leng nnete ka teng hore ke fela ke tshwanelwa ke moputso. Banna re sa tla ba barui, thola o re tu, re tla arolelana ka ho lekana.
Bolela lebitso la morena eo ho buuwang ka yena temeng.
Ke mang ya neng a bolella batho ka tsa ho kula ha morena mohla phupu?
Hlahisa dintlha tse tharo tse bontshang ka moo banna bana ba rerileng ho qhekella mofumahadi ka teng?
Ke hobaneng ha banna bao ba ne ba loha leqheka lee?
Ngaka ya Natala e neng e alafa morena ke ya mofuta ofe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, hobaneng ha ho ne ho behwa lesenke hodima Sekgukguni ha a le ka lebitleng?
Ke ka baka lang ha banna baa ile ba etsa hore ho be le lesoba lebitleng?
Bolela hore polelo e latelang ke nnete kapa mafosisa, o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang.
Ngaka ya Natala e ile ya fodisa morena.
Bolela hore o utlwisisa eng ka mantswe a ngotsweng ka botenya ho ya ka ditaba tsa temana.
Morena o timela tjena e le hore o ne a itokisetsa...
Kotsi ya ho kwalla motho tulong e se nang masoba a ho kenya moya ho hang ke efe Sebedisa lentswe le hlahellang temeng?
Na morero wa ho ya qhekella mofumahadi ke ntho e ntle ho ya ka wena?
Hlahlobisisa setshwantsho sena o ntano araba dipotso tse theilweng hodima sona.
Mariha a a fela jwale, ho a futhumala! Banana le bashanyana ba tla etsang Natefelwa ke maemo ana a lehodimo a matle! Ke nako ya ho bapalla ka ntle. Letsatsi le na le Vitamin D, hape ho na le dintho tse ngata tse thabisang ka ntle. O ka sesa ha o le lehlohonolo, heno ho ena le letamo. Empa qala ka ho nnetefatsa hore bana ba tseba ho sesa pele o ka ba dumella ho kena ka metsing le ba bang. Ha ba sa tsebe ho sesa teng, ba bapalle lehlabatheng. Bapalang dipapadi tse ding. Le ka bapala ha monate le le lelapa kapa bana ba nna ba thabela ho ba le bana ba bang; ka hoo ba ngodise sehlopheng sa bolo kapa se seng sa boithabiso?
Letshwao le hlahisitsweng setshwantshong le bontshang hore ho ne ho tjhesa ke lefe?
Boithabiso bona bo etsahala sehleng sefe sa selemo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na o bona batho ba apere ka tshwanelo Tshehetsa karabo ya hao?
Sebaka sena se tsebahala ka ntho dife tsa tlhaho Bolela tse pedi?
Se bontshang hore batho bana ba thabile ke sefe?
Bolela dintho tse tharo tse tokiseditse leeto.
Bala tema e latelang ka hloko o nto e akaretsa ka dintlha tse supileng tse hlalosang papadi ya mobetano.
Nomora dintlha ho tloha ho 1 - 7.
Palo ya mantswe e be pakeng tsa 60 le 70.
Ngola ka mantswe a hao.
Ngola palo ya mantswe qetellong ya kakaretso ya hao.
Mohlahlobuwa ya sa lateleng ditaelo o tla lahlehelwa ke matshwao.
Lenaneo le mona la papadi ya mobetano le hlahellang thelevisheneng le ratwa haholo ke bashanyana. Babohi ba lenaneo lena ba nahana hore papadi ena e qala hona mona thelevisheneng ka dikgalala tse tsejwang tse jwalo ka Booker T, Big Show, Cena, Undertaker le ba bang.
Mehleng ya boholoholo papadi ya mobetano e ne e bapalwa ke bashanyana le banna ho ya ka bothaka ba bona. Ke papadi eo dibapadi tsa yona di nonyanang matla a dikgoka le ho kwena ha tsona. Ka hoo e kgothaletsa bophelo bo botle ba mmele, ho shahla. Dibapadi di lokela ho sebedisa maqiti a itseng ka tshebediso ya matsoho le maoto a tsona ho ikgapela tlholo. Hona ho supa tlhokahalo ya kelello e tjhatsi ya sebapadi ka seng le bokgoni ba ho qhekanyetsa wa mphato ka tshebediso ya matla a dikgoka.
Ka Sesotho, papadi ena e bapalwa ke dibapadi tse pedi ka nako. Dibapadi tsena tse pedi di qabanngwa ke e mong wa ba teng moo, eo e tla re ho ntse ho qoqwa ke thaka a be a se a re ho bona: " nnyeonyeo (o bitsa lebitso la e mong), naa o ka diha nnyeonyeo (o bitsa lebitso la e mong)." Eo wa bobedi ha a ka dumela feela, eba o se a e kgwathile mme e kopane. Ba bang ba teng moo ba se ba fetoha batsamaisi ba papadi ena ka ho hlokomela hore ba betanang ha ba ntshane kotsi, jwalo ka ho tebelana kapa ho betwa ke pelo ebe motho o se a sebedisa sebetsa se kotsi. Dibapadi di lokela ho sebedisa matsoho a tsona ho tshwarana ka maqiti ka matla le ho remela ka maoto le ho kolokotjhana, e le ha ba leka ho dihana?
Ha eba ho etsahala hore e mong wa dibapadi tsena a we, e mong o leka ho mo hatella fatshe ho fihlela eo a se a sa leke ho mo nyokola. Ha ya hatelletsweng a se a namaletse, seo e ba sesupo sa ho inehela ha hae mme ya mo hatelletseng e ba mohlodi.
Bala tema e latelang ka hloko hore o tle o arabe dipotso tse theilweng hodima yona.
Pelo ena ya ka e tletse bora, e dutla madi a boiphetetso.' Ke Dira eo a ntse a nahana. O ntse a fetoha kgafetsa betheng, mosamo o metsi tee! Dikgapha di ntse di phorosela sa metsi a noka. Selemong sa pele sa lengolo la bosuwe o fetile hantle, le hona ka maemo a hodimo. Ho nwa o ne a ntse a nwa ka mokgwa o le mong. Selemong sa bobedi le teng a feta ha bonolo, e le hore o ntse a nwa ka mokgwa o le mong. Jwale ha a utlwisise se etsang hore selemong sa boraro a feile, le hona a feila e le hore ho pasa ho bolela ho ba mosuwe.
Mohlomong motho o sitisitswe ke hona ho nwa haholo selemong sena. Etswe ho ne ho nowa hlee.' Ke Dira eo a se a nahana metsotso ya ho feta.
Yena le mathaka ba ne ba hopola hore e se e le mesuwe, ho setseng feela ke hore ho ngolwe hlahlobo ya makgaolakgang, ba fumane ditokomane tsa bona ba tswe ba kena bophelong boo ba bo labalabelang hakaana.
Mohlomong ke hobane ba ne ba nwa haholo ho ntse ho ngolwa dihlahlobo, ebe motho ha a sa fumana le nako ya ho bala. A utlwa a sehwa ke letswalo le mo kgaolang dibete ha a nahana puo ya ho re, 'bosuwe o ithutetse bona a ba a tswa le manaka a bona'. O tla pheta jwang metswalle ya hae e le mesuwe, e ithabisa ha monate, e itjella tjhelete ya yona le baratuwa ba yona?
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso: Mohlomong motho o sitisitswe ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Polelo ena e lekgatheng la lephethi. E ngole hape empa o e fetolele ho lekgathe lejwale.
Sekao se sebedisitsweng polelong ena ke sa pehelo/sekaopeho. Jwale e fetolele ho sekaokgoneho.
Polelong e ho 3.1, leetsi sitisitswe le boetsuweng.
Baithuti ba nwa jwala ha ba le sekolong.
Lentswe haholo le hlalosa mokgwa oo Dira a neng a nwa ka wona. Selemong ke lehlalosi la mofuta ofe Le sebedise polelong e utlwahalang?
Sena ke lesupi le supang ntho e haufi le mmui. polelong ya hao ho supa ntho e haufi le mmuiswa.
Polelong ena: 'Dikgapha di ntse di phorosela sa metsi a noka,' mongodi o hodisitse moelelo ka ho sebedisa tshwantshanyo/ papiso. Ho 'Pelo ena ya ka e dutla madi a boiphetetso,' ke sekapuo sefe se sebedisitsweng?
Mantswe ana hantle le haufi a a fumaneha temeng. Fana ka malatodi/ diantonime tsa ona o be o di sebedise dipolelong tsa hao.
Nehelana ka bongata ba mantswe a ngotsweng ka mongolo o motenya polelong ena. Ngola karabo tse nepahetseng feela nomorong e loketseng. Motho ha a sa fumana sebaka sa ho bala lengolo matsatsing ana.
Sebedisa lentswe noka dipolelong tse pedi tse fapaneng ho hlakisa meelelo e meng ya lona e sa tshwaneng le o hlahellang temaneng.
Sebedisa lekopanyi hobane ho kopanya dipolelo tsena tse pedi. Baithuti ba fumane ditokomane tsa bona. Baithuti ba sebeditse hantle dihlahlobong tsa bona.
Polelong ena: 'Bosuwe o ithutetse bona a ba a tswa le manaka.' Lentswe le sehetsweng mola ke leemedi. Nehelana ka maemedi a mantswe ana: selemo le lengolo o be o a sebedise dipolelong tsa hao tse nepahetseng.
Nehelana ka lehlalosonngwe (sinonime) la lentswe le sebedisitsweng temeng le bolelang menyepetsi.
Qetella polelo ena ka leetsisa le nepahetseng: Dira o nwele jwala ba Sekgowa, jwale o nkga...
Bolela mofuta wa leba o sebedisitsweng polelong e latelang: Metswalle ya Dira e fumane ditokomane, ke mesuwe.
Hlahlobisisa bokantle ba makasine o arabe dipotso tse botsitsweng.
Sefahleho sa morwetsana enwa se supa maikutlo afe Hobaneng ha o realo?
Ke sehlooho sefe se hohelang ho feta tse ding Hobaneng o realo?
Mantswe a hlahellang ka tlasa lebitso la makasine a ngotswe ka mongolo o monyenyane ho feta a mang. Ebe lebaka ke lefe?
Qolla sehlooho se ka susumetsang babadi ho reka makasine ena. Fana ka lebaka le utlwahalang bakeng sa karabo ya hao.
Kgethollo e a nenwa naheng ya rona. Ho teng sehlooho se kgethollang makasineng, se bolele o be o hlalose ka moo se kgethollang ka teng.
<fn>93002VMS2009.txt</fn>
Mola wa 11 & 12 (dillo le ditsikitlano tsa meno).
O re le ha ho le monate kapa ho le hobe, bophelo bo tlameha ho tswela pele.
Phetheletso, ho bontsha matla a lerato / ho matlafatsa moelelo.
"Maobane e ne e le motswadi wa kgotso".
Ho matlafatsa moelelo wa seo ho buuwang ka sona e leng kopano.
Batho ba dutse majwana / kopanong.
Ha ho sa na thuso / ba thusang ba ile.
"Motho ke motho ka batho".
Batho ha ba sa jarelana mefokolo le hona ho thusana ba itjheba bo bona ha ho sa na ntjapedi / raka le shwetswe ke molebo.
Mola wa 1 / 7 / 8.
Bohlokwa ba kgefutso ke ho beha se tlang ka pele le ka morao ho yona boemong bo lekanang.
Tsebe ke e sekehile ho utlwa. Mola wa 5.
Ho kgina moelelo.
Ho fokotsa tshebediso ya mantswe.
"Ke metso meutlwa ya lehola", mola 13.
Ho se mamelwe le ha motho a se a a lla.
Sethothokisi se rapella ho mamelwa ka hohlehohle.
Ho bontsha ho ikokobetsa, ho ithapella, ho kopa a tiile.
Ya pono-, hobane o bona botle ba lona, le hore le kupeditse bofeela.
Mothofatso, le mothofaditswe eka ho apere motho / ho matlafatsa moelelo wa seo ho buuwang ka sona.
Ke mora Morena Moshweshwe.
Pitsong, PPkapa kopanong ho marenana kapa banna ba setjhaba.
Ke maloma fodisa. O rera ntatae le marenana o batla tulo sa ntatae.
b e bolela hore se senye nako.
Morena o nka qeto le maburu, ha a rerise bara.
O ne a kgolwa hore Mantsopa ha a sa mo sebeletsa hantle; kapa o na le seabo ho se etsa halang.
E, ke tsa nnete.
b Lesotho le ntse le le teng kajeno. PP Dibaka tse ding di ntse di reilwe ka bara ba morena le babusisi ba nako tseno. PP Ke nalane e tla nne e balwe ke meloko e tlang.
Ya hore morena o nka diqeto le BoPitoriase kantle le ho rerisana le bara ba hae.
Kgohlano terameng ena..
Kgohlano ke dintwa, diqabang kapa ho lwantshana ha maikutlo, Qabang mona e bakwa ke moedi. Re bona sena moo Moshwewshwe a ngongorehileng mme a botsa Mefuta ja kgohlano.
Re bona mona bara ba Moshweshwe ba sa tswafe ho e lata letilane. Ho totobetse hore ba boulella naha ya bobona mme ba ka se shebe feela e inkelwa ke merabe e meng.
Setjhaba sa Moshweshwe se batlwa palo ya dikgomo tseo ba se nang tsona. Senase etsa hore ho be le dintwa pakeng tsaBasothole Manyesemane.
Ha Basotho ba se ba lwantshwa ke Maburu, Moshweshwe o ile a kopa tshireletso ho Mofumahadi Victoria, ya ileng a a tima hlaha ena e kubellang.
Bara ba Moshweshwe ba ile ba nahana hore ntatabona o a ba rekisa ka hobane yena o ne a labalabela kgotso ka nako tsohle.
Ba ne ba rata ntwa, bale kgahl anong le ditherisano tseo ntata bona a di etsang le Maburu.
Mankwanyane hobane le yena o ile a qetella a se a etsa seo bara ba Moshweshwe ba se etsang. Ba nebakgona ho futuha Morena asa tsebe mme sena se be se etsa kgohlano e se ke ya feela.
Sena se ile sa bonwa / profetwa kentate Mohlomi. Moo buka e qalang, Mohlomi o bolella Moshweshwe ka hore o etetswe ke badimo, ba mmolella kamoo "dikgomo le dinku di tla shwang ka teng, tlala e tla solla diphula, kabaka lena bathoba tla jana". Hadintwadi ntse di kekela, ho ile ha ba le tlala e kgolo. Basotho ba ile ba utswa dikgomo tsa Maburu ho thibela tlala mmesena sene se baka dintwa tse sa feleng.
E ne e le maloma-a-fodisa. O ne a kgona hore a tima hlaha mahlakoreng ana a mabedi.
Maburu, ka nako tse ding o ne a sa bue dinnete hoba mohlang Maburu a reng a iketlile, a boneBasotho ba se ba futuha /hlasela.
Ha Moshweshwe a ka re o sa ilo inahana, yena o ne a re ho Maburu o dumetse. Sena le sona se ne se eketsa mofuthu wa ntwa.
O kgonne hore Basotho ba bangata e be badumedi ba lahle setso sa habo bona. Sepheo e le hore setjhaba se kwenehele morena, se fe silanyesemane tshireletso ka hohlehohle.
O ile a kgona ho ngolla morena lengolo le kopang tshireletso Borithane.
Karabo ya lengolo leno e ne e le molemong wa Basotho mme o ka ipotsa hore hobaneng.
Basotho, o tla be a thetsitse Borithane mme sena se ne se tla mo hlahisetsa kotsi. Moedi o ile wa hlakiswa hantle mme Maburu aile autlwa bohloko ke sena. Ba lla ka hore ha be a reriswa mme se makatsang ke hore naheng ya mang?
Morena Moshweshwe o hlahella e le morena ya tjhatsi le lona ho ba bohlale, hobane ha a hloladintwa ka dibetsa, empa o di hlotse ka kelello.
Sena se ile sa qeta dintwa Lesotho mme Maburu a felletswe ke matla.
Qalo ya kgotso eo morena a neng a e labalabela yareng.
Kgama - Mohlankana wa Sentebaleng. Hlajwane - Rangwane wa Sentebaleng.
Boitshwaro bo bobe. Ntatae o ne a nahana hore o tla kgutla mekgweng.
Ya habo ke motsesetoropo, bophelo bo potlakile. Popa ke mahaeng, bophelo bo iketlile.
Ngwana mahana ho jwetswa o bona ka dikgapha, sena se hlahiswa ke Kgama ha a se a fetohela setso sa habo a hana ho disa le hona ho bapala dipapadi tsa Basotho a batla ho sokodisa mmae ka honna a batla dijo tse jewang ke batho ba baholo.
Ba ne ba bona ho fetoha ha hae, ba batla ho mo kgutlisa mekweng!
Mohlakeng, e ne e le mahaeng.
Batho be teng be ne ba dumela haholo ho setso.
Ho diswa ho uuwa lebollong, (theko ke mohlala)..
Ho ne ho tsongwa, ho jalwa, ho hanngwa dikgomo..
Batho ba nebasebetsa musebetsi wa matsoho, ho loha mafielo /ho etsa meseme, ho relusa mehlape..
E ne e le sekolo sa kereke ya Roma sa mothomo, se ne se fella ka sehlopha sa botshelela, kereke e ne e theha sekolo sena theho ikgapela setjwaba ka ho ruta bana ho bala le ho ngola, ba tsebe ho ipalla Bebele.
Se ne se ahuwe ka makote, se le phaposi tse nne feela. Bana ba bang ba ne ba rutelwa ka ntle tlasa difate..
Phaposing e nngwe mosuwe o ne a ruta bana ka ditumelo tsa btsa mafeela / mantjhanotjhano.
Mesuwe e neng e ikarabella e ne e le teng. 2x5= 3.2.
Kgama le Theko ba nebadisa, haba qalasekolo ba batlelwamotho ya tla ba thusa ho disa. Ba ne ba tseba hantle bo kgotsofatsa dikgomo..
Ho ile ha etsahala hore Kgama a ratane mmebadisana ba ne ba bua ka seng naheng. -Sena se hlahellahaKgama a ne a bona mona oIpekahara ba bang ba bashanyana naheng. -Ka le leng yare haKgama abulela dikgomo ho leba naheng, a siya Theko a fasa manamane..
Ha a ntse a alositse, ha etsahala hore a dule pela thaka e dutseng mmoho, ho pannwebana ba banyenyane hore ba thibe dikgomo. -A be a hoeletswa ke Madiboho, amo tselusa Dibakiso kgarebe ya kgama..
E ne e le ha habo Sentabaleng.
Batho ba teng ba ne ba re ba hlalefile, senase pakwa ke Sentebaleng ha a ne a le Popa, o ne a bona batho ba teng ba kwalehile.
Ho ne ho nale dipapadi tsa bolo tse shebellwang, sena se paka ke ha Sentebaleng a ne a rata ho ya di bohela le metswalle ya hae.
Banana ba teng ba ne ba rata ntho tsa feshene hoba ba ne ba rata ho ya toropong.
Ba ne ba phamolela bahlankana mekotlana ya tjheletekatsela tse mpe.
Banana ba teng ba itlotsa ka matha mafose. -Dibini tsekgolodi ne di etsa dikonsarete motsengoo.
Ho rapella ho pasa. Ho tlosa letswalo. Ho kopa matla a ho hlola letswalo (e le nngwe).
Boitokisetso bo sa phethahalang. Ho tshoha Ho se tsamaye sekolo hantle (e le nngwe).
Ha ba qeta ho ngola. Ha nako ya ho ngola e fedile.
O hloka boitshepo, o a ikwahlaya le hona ho itshola.
O hopola ho sotha nako hore e tsamaye butle. Kapa ho ya ka ntle.
O a bososela hoba tsohle o a di tseba, ebile ha a tshabe ho tobana le pampiri.
O sitwa ho kgetha hoba o tseba dikarabo kaofela. O qeta le ho ngola pele nako e fela.
O bona eka yona e bua nnete.
Hore na o ne o a ithutelang ha kaale empa a ballwa nako.
E a tsometsa, hobane senokwane ha se fihle o lebelletse.
Ho itokisa nako e sa le teng. Ho tsamaya sekolo, ho mamela le ho rata mosebetsi wa bona. dintlha tse utlwahalang di ajelwe matshwao.
Sekolo se tlameha ho netefatsa hore ditlhoko tsohle tse etsang hore hlahlobo e be katleho di teng.
ho tlameha ho ba le mesuwe e rupelletsweng.
E tsebang ho tataisa bana.
Moaho o phethahetseng le diphaposi tse bolokehileng.
Melao e tla etsa hore bana ba bale.
Lerato baneng ba sekolo.
Tikoloho e sireletsehileng bakeng sa ho ithuta kelello.
E be moithuti ya ratang sekolo.
A se kena ka mehla.
A mamela mesuwe ya hae.
A etsa mosebetsi oo a tlamehang ho o etsa.
A mamela batswadi.
A mamela batswadi.
Ya kgothaletsang moithuti ho ya sekolong.
A netefatse hore moithuti o na le ditlhoko tsa sekolo.
Ya mo sikarong le ho mo tshehetsa ka ho phethahal.
Ya hlolang hore o etsa mosebetsi le ho ya sekolong kamehla.
Ya tsamayang dikopano tse mmatlang sekolong.
A rate mosebetsi wa hae le baithuti.
A be le tsebo e batsi ya ho ruta le ho leala.
Ya paseditseng botitjhere le kereiti eo a e rutang.
Eo e le mohlala o motle setjhabeng.
Ya boullelang thuto.
O netefatsang hore dikolo di maemong a lokelang ka ho fana ka ditlhokwa tse lebelletsweng.
O phatlalatsang melao e tshwanetseng.
O sireletsang thuto.
<fn>93002VQE2009.txt</fn>
Memorandamo ena e na le maqephe a 20.
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele (mohlahlobuwa ha a lokele ho araba mefuta e mmedi (mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa dipotso tse kgutshwane) ya dipotso mofuteng o le mong wa sengolwa).
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya A (ho Puo ya Lapeng le ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tsa mofuta wa potso e telele ho Karolo ya B le ya C (Puo ya Lapeng), motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, motshwayi a tshwaye karabo ya pele ho Karolo e nngwe le e nngwe, ha feela mohlahlobuwa a arabile potso e le nngwe ya mofuta wa potso tse telele le e le nngwe ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile boemong bo bobe. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme karolo a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-a kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (ho tloha ho Kgato ya 1ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile lekgetheng le le leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe ka tsela kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu- tlhalosong; dintlha tse hla-hiswang di supa boiteko bo swa ka tsela e bo-ntshang kutlwisiso e na bo itseng ba ho araba potso, empa ho thata ho ya taba (sehlooho), kutlwahalo le tiisetso ya botlalo. -Tshekatsheko ke e ba- tekano. -Tshekatsheko e hlahi- hantle. -Tshekatsheko e hlahi- llutsweng ka botlalo. -Tshekatsheko e hlahisi- fokolang ha a araba potso. -Tshekatsheko e supa fokolang haholo. -Tshekatsheko ke e hlalohanya ditaba tsa hae. -Tshekatsheko ya hae ya taba ka mabaka. batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka di- sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane kutlwisiso e haellang ha-holo karabelong ya hae ya fokolang; ho bile ho na phetapheto ya potso e bontsha bofokodi bo boholo; dintlha tsa hae ntlha tsa mefuta e fapa- mefuta e fapaneng, dintlha di haellwa ke sefu- ho hlahisitswe dintlha tse potso. Dintlha tsa hae ha dintlha tse ding. Di- ha di bontshe kutlwisiso ya neng ho tswa thothoki-kisong. mme o di tiisa ho tswa thothokisong. tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo. ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo. di kgodise, ha di tshehe-tswe ho tswa thothokisong. ntlha tse ding di tswile lekoteng. thothokiso. Dintlha tsa hae di tswile lekoteng.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebi- -Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa ku- -Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e -Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo -Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso -Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa -Ho etswa boiteko bo fokolang ba ho araba leng ya thothokiso le ya sengolwa sa mofuta tlwisiso e kgabane ya thothokiso le ya sengo- le e ka hodimo ho e maha-reng; e paka kutlwisiso ya kgodisang hakaalo; ho bo-nahala a na le kutlwisiso ya ya motheo ya sengolwa sa mofuta ona mmoho le ya tebang; mme nqa tse ding ho na ditlhaloso potso. Dintlha tsa hae boholo ha di na kamano le ona. lwa sa mofuta ona. thothokiso le sengolwa. motheo ya sengolwa sena. thothokiso ena. tse fosahetseng. thothokiso e botsitsweng.
SEBOPEHO LE PUO: -Sebopeho, tlhophiso -Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba- -Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela -Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa -Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se- -Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora- -Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, -Ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ya mehopolo le nehela-no e nang le neeletsano tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selele- bopeho sa moqoqo selate-tswe ka tshwanelo; Boholo long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana ngotswe ho tadimilwe sebopeho.
e momohaneng e lebisang tlhalohanyong yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho. paka kutlwisiso e anetseng. keleng, qetelong le dite-maneng tse itseng. popeho ya ditemana e nepahetse. tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse. le tsona ke tse fosa-hetseng. tswana kapa kgokahano.
tse sebedisitsweng temeng. batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate- bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e kong ya hae.
di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi- utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi- tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe- fokolang, mme e dita-ba tsa hae ha di na sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
kgodisang. -Tshebediso ya puo, tsweng. -Tshebediso ya puo, tsweng. -Tshebediso ya puo, seha- wa hae. -Ho hlahella diphoso tse tseng. -Diphoso tsa puo di bona- tlhalohanyo ya letho. -Tshebediso ya puo -Tshebediso ya puo, se-halo le setaele boholo ba sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehi-sa sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di lo le setaele boholo di hla-hella nehelanong di sebe- seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di hala ka bongata. Tshebe-diso ya sehalo le setaele le setaele di hlahella di fosahetse haholo nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e tlhahisong ya moelelo o napahetseng. phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle. disitswe ka tsela e nepa-hetseng. nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano. ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso. hoo karabelo yohle e fosahalang. fosahetseng haholo.
Baphetwa ba rona e le Sekgukhuni o ne a hlaha Kgauteng mme Mananyetsa o ne a etswa ho la Foreisetata mme ba kopana borokong ba noka ya Lekwa. Mananyetsa o ne a tl a tshwere bolekana bo tshetseng mahe a dinotshi empa ka tlase e le lehlabathe ha Sekgukguni a tla a tshwere thipa ya thupa e tlotsitsweng ka silifere eka ke ya mannete. Bobedi ba bona sepheo sa bona e ne e le ho a etsa kgwebo ka nqane ho noka ya Lekwa.
Ba qhekanyetsane, e mong o fane ka thipa ya thupa eo e seng ya nnete, ha e mong le yena a fane ka bolekana ba mahe a dinotshi bo tletseng lehlabathe ka tlase. Mananyetsa o halefile, mme o tlapentla Sekgukguni ya sa kgana ho itshireletsa. Ka mora mona ba etsa qeto ya hore ba kopanye mahle a bona molemong wa bona ka bobedi. Mananyetsa o tla ka leqheka la hore ba ye ho mofumahadi wa morena Ramoroko ho ya mmolella hammoho le matona a morena ka moo a ileng a oka morena ka teng. Ke ngaka e tswang Natala, mme morena o buile le yena torong ya hae hore a lefshwe diponto tse dikete tse mashome a mabedi. Ba tla tjheka lebitleng la morena mme ba behe lesenke ho siuwe lesobana hore Sekgukguni a fumane moya nakong eo a leng ka lebitleng. O tla sebedisa lona lesobana leo ho bua a fana ka taelo e le morena ho mofumahadi hore ngaka e ikgakantseng e leng Mananyetsa e tle e lefshwe. Morero ona o ne o phethahetse hantle, mme Mananyetsa a lefshwa. Hoba a lefshwe yaba ha a sa kgutlela lebitleng ho ya ntsha motswalle wa hae Sekgukguni. Mananyetsa o baleha ka tjhelete eo a e lefuweng anthe Sekgukguni o ne a se a e na le maano a ho mo tjheha ka dieta. Mananyetsa le yena o fumana tjhelete empa ka baka la ho ya le sephume sa boroko, Sekgukguni a fihla a nka tjhelete a nto leba Kgauteng. Mananyetsa o fumana Sekgukguni Kgauteng ka baka la leqheka leo a ileng a le etsa la ho tjhesa lebokoso ka jareteng ya Mananyetsa, batho ba phallella moo ho thwe ntlo e a tjha mme le Sekgukguni o teng mokgoping oo, ke mooba ileng ba bonanahape teng.
Sekgukguni o leba mapolasi ka nqane ho Kopies ho ya batla Mananyetsa mme o fumana mokotla wa tjhelete nakong eo Mananyetsa a sa le ntlong ya thitelo. Mananyetsa ha a fihla lapeng la hae o fumana mokotlana o ile mme a tseba hang hore ke Sekgukguni a ne a etetse ha hae mme o tsamaile ka lenyele. Mananyetsa o leba Kgauteng ho ya batla Sekgukguni ka sepheo sa ho fumana tjhelete mme eo ba lokelang ho e arolelana.
Mananyetsa - bolekana bo tshetseng mahe a dinotshi empa ka tlase e le lehlabathev ; Sekgukguni -thipa ya thupa e tlotsitsweng ka kgauta eka ke ya theko e boima.
O ne a tseba hantle hore ha Mananyetsa a fumana seeta se seng o tla kgutlela morao a ilo batla mmate wa sonavv mme ka tsela e jwalo o tla kgona ho mo fumana.
O ne a tlohelletse ditedu di le maanene eka tsa pheleu. v O ne a ikentse ngaka, matsetsela. v O ne a jere kgetsi ya pela.
O ile a qhekanyetsa Sekgukguni ka ho mo fa bolekana bo neng bo tshetswe lehlabathe ka hare la nto tlatsa ka manepe.
O ile a qhekanyetsa mofumahadi wa morena le matona a hae ka ho ba bolella ka toro ya leshano eo a itseng morena o tlile ho yena ka yona ya hore a fuwe tjhelete yakalafo eo a sa kang a e etsa le ho e etsa.
Mananyetsa o ile a fihla ha morena Raboroko a re o tlile ka baka la toro eo a bileng le yona.
A bolella mohatsa morena le matona a hae hore yena ke ngaka, kwakwariri, raqhwe.
A hlalosa hore o kile a sebetsa morena ka makgetlo nakong eo a ntseng a a kula mme jwale o tlilo lata tefo ya hae.
A hlalosa hore ke bona dingaka feela ba kgonang ho buisana le batho ba seng ba iketse boyabatho.
A hatisetsa ka hore haeba ba sa mo kgolwe morena o mo laetse hore a ye le bona mabitleng moo ba tlang ho buisana le morena ka ho otloloha.
Ba tla tjheka lebitleng la morena mme ba behe lesenke.
Ba tla siya lesobana hore Sekgukguni a fumane moya nakong eo a leng ka lebitleng.
Mananyetsa o tla sebedisa so bana leo ho buisana le sekgukguni ya ka lebitleng.
Sekgukguni o tla arabela ka lona lesobana leo ho fana ka taelo e reng mofumahadi a lefe ngaka.
Pele a ratana le Hlomi o ne a sa batle ho utlwa letho ka bashanyana.
O a itshepa - O ngolla Hlomi lengolo, ntho e ke keng ya etswa ke batho ba bangata. -O na lerato la sebele - o ile a rata Hlomi ho ya ho ile, leha Hlomi a ile a ratana le Lerato nako e telele. Qetelonga amohela Hlomi kamora le la Lerato.
Ho ya ka tjhadimo ya Basotho, ha se tlwaelo hore ngwanana a ferehe mohlankanavv . Moo morwetsana e leng yena ya ferehileng, re dumela hore lerato la teng ha le ke le atlehe.v Mohlankana ke yena ya ferehang morwetsana ho fihlela ba nyalana.
Ke tsa mehleng ya sejwalejwale/kajeno.v Banana ba se ba kgona ho ipherela.v Batswadi ba se ba amohela taba tsa marato a bana jwalo ka ha batswadi ba Lerato ba ile ba etsa ka Hlomi.
O ile a ferekana, v A sa utlwisise hore ho etsahala eng, v A ipotsaka dipotso di hana ho fela. v A makatswa ke ho bona kamoo Dineo a neng a tiile ka teng. A tsielehile e le ka nnete.
Yunivesiti ya Kapa.v O ne a ilo ithuta tsa Mahlale a Tlhaho.
O ile a ikana hore o tla rata Lerato ho ya ho ile.
Ditaba tsa sengolwa sena di lelekela ka ho hlahisa maemo a ditaba tse fapaneng. Ho hlahiswa lequlwana la batho ba ipitsang Bana ba Phiri ba ikgakantseng jwalo ka batsamaisi ba enfangedi. Mobishopo Biala o bitsitse kopano e kgolohadi ya dinokwane tsena tse ikentseng baruti ba Lentswe la Modimo ho tla tshohla ditaba tsa bohlokwa ho ya ka bona, tse akgang ho bolauwa ka sehloho ha Mopresidente Gabriel Gaofetoge wa Botswania, Timbonile Dlamini e leng moemedi wa Afrikania naheng ya Swatinia. Mobishopo Biala o bile o manollela mahlahana a hae mokgwa oo Mopresidente Ispia Monnafeela a tlang ho kwetelwa ka ona.
Ke lehlakoreng le leng ho lelekelwa ka ho hlahiswa ha mohlankana ya bitswang Thakgodi Lelebela. Lebitso la mohlankana enwa la bohlwela ke Chikano. Chikano o bitseditswe diahelong tsa Lengau - leo e leng Lebotho la Dihlwela, Polokeho le Mahlale. O bitseditswe pitsong ya tshohanyetso ke Moatemirale Makhanda eo basebeletsi ba hae ba mmitsang Zero. Sepheo sa pitso ena ke hore Zero o ne a batla hore Chikano a tlo rarolla qaka e bakilweng ke Bana ba Phiri. Qaka ena e amana le ho bolauwa ha baetapele ba mebuso le ho nyamela ha tlhapikepe e bitswang ka lebitso la Thakadi. Ka baka lena Moatemirale Makhanda o ne a batla Chikano a ke a fuputse mokgatlo ona o ipitsang ka lebitso la Bana ba Phiri.
Ho kopana ha Chikano le morwetsana ya neng a bitswa ka lebitso la Amanda Zamiya hoteleng ya Namibia e bitswang ka lebitso la Riwenzoni motseng wa Ashakati ho batlile ho mo kenya mathateng. Chikano o ne a nahana hore o kopane le kgarebe eo a ka e ferehang empa o ile a elellwa hore ke e mong wa dihlwela tsa Lengau ya neng a ronngwe ke Zoro hore a tle a mo hlokomele a mo nehe le tse ding tsa dintho tseo a tlang ho di hloka ha a fihla Botswania. Ka bomadimabe Amanda o ne a se a laetswe ke mokgatlo wa abuti wa hae hore a peite Chikano ka sethethefatsi se matla. Sena ha se a ka sa etsahala empa Amanda yena o ile a bolauwa ka sehloho le pele a kgona ho bolella Chikano lebitso la abuti eo wa hae le hore ke wa mokgatlo ofe. Chikano a phonyoha ka sobana la nale a baleha.
Ho tshosa baahi bohle ba Afrika-e-ka-Borwa hammoho le mebuso ya bona hore ba se kgathatsane le Bana ba Phiri.
Ba kene ka tonnoro e bulehelang ka phaposing ya hotela moo a neng a robetse tengvv Ba fihla ba monka ka bethe eo a neng a robetse hodima yona.
Chikano le Ramaqiti: Chikano e ne e le mokolonele wa lekala la Bohlwela mme a batlana le lequlwana la dinokwane le neng le etelletswe pele ke Sister Ruth. v Ramaqiti e ne e le motho ya phahameng sepoleseng empa hantlentle ke yena eo e neng e le moetapele wa bana ba Phiri. v O ne a fedisa Chikano pelo ka hore o ne a dula a mmehile leihlo nakong eoa ntseng a etsa diphuputso tsahae.
Ke kgohlano ya kantle.
Ho ile ha hlaha motho e mong wa mosadi mme o ile a thunya sethunya sa Sister Ruth hore se wele fatshe nakong eo a neng a re o thunya Chikano.
Ba ile ba fenethwa ke mokgatlo wa Bana ba Phiri.
Pading ena mongodi o bontsha tikoloho eo baphetwa ba hae ba phelang ho yona ya motse wa Makenekeng. O bontsha tjhadimo ya bophelo ba baphetwa ba rona moo ba keneng sekolo teng le moo ba sebetsang teng kwana difememg. Dinoka tse teng tikolohong eo jwalo ka noka ya Kgotjwane le Sekoto mmo ho neng ho tshelwa teng ha ho uwa mosebetsing.
Nkepe, moradi wa Raboditse ke enwa o fumana sephetho sa hae sa materiki mme o iphumana a ile a polela kantle ho sootlo. Tiisetso moradi wa Motaung o atleha mme o fumana lengolo la materiki mme o batla ho ya ntshetsa dithuto tsa hae Yunivesithing ya Qwaqwa. Lefufa le ba teng lapeng la Raboditse ka katleho ya Tiisetso, moradi wa Motaung. Mmankepe, mohatsa Raboditse o kgothalletsa Matiisetso, mohatsa Motaung hore a se rute nwana ngwanana hobane a ka ya sebetsa difemeng le moradi wa hae. Ke qaleho ya lehloyo le lefufa la lelapa la Raboditse ho la Motaung. Mankepe o hlohloletsa Mohatsae, Raboditse ho ho kgodisa Motaung horeho isa ngwana ngwanana sekolong ke tshenyo ya tjhelete. O qala ka ho hohela Motaung hore a nwe jwala jwalo ka yena e le hore a tle a mo kgothalletse ho ise ngwana ngwanana Yunivesithing. Lefufa lena le ntse le ja setsi. Raboditse o a atleha ho hohela ho nwesa Motaung jwala. Motaung ha a sa hlokomela lelapa jwalo ka pele. O qala a sotla lelapa la hae ka ho se le fe tjhelete ya dijo, mme o fetohela moradi wahae Tiisetso ka ho se mo ise Yunivesithing. O qetella ka ho batla ho beta moradi wa hae ka baka la botahwa. Bothata ba lelapa la Motaung bo ehlwa bonolo hodimo, ha Motaung a qetella a ngadile lelapa la hae a dula ntlong ya thitelo, ha Mantshele. Motaung o qetella ka ho tebelwa mosebetsing.
Lelapa la ha Raboditse le a hlola ka morero o mobe o e sa le ba o rerela lelapa la Motaung. Motaung o a wa putla hobane o qetellwa a tebetswe mosebetsing mme le mosadi eo a neng a dula le yena o a mo tebela.
Ke tlwaelo ya ho ba le mona lelapeng la Motaung/Ho bua hampe ka batho ba bang.
Ke kgohlano ya kantlev hobane Raboditse le ba lelapa la hae ba ne ba kgothalletsa Motaung tse mpe kaofela. Motaung o qetelletse o se a nwa jwala ka baka la Raboditse a ne a sa bonwe.
Motaung o ne a hlokometse lelapa la hae ka dijo le ka tjheletevv Raboditse o ne a sa hlokomela lelapa la hae. Tjhelete ya Raboditse e ne e fella ntlong ya thitelo.
La bobe. v O na le mohono o moholo.v Ha a labalabele katleho ya malapa a mang.
Tiisetso: O ile a mamella mathata ohle ao ntatae a neng a ba etsetsa ona ka lapeng.vv Kgathatso: O ile a ba tlisetsa dikgathatso ka lapeng ka ho nwa jwala.
Ho nwa jwala ho na le seabo diqetong tseo batho ba di etsang bophelongv ka ha tshwantshiso e bontshitse hore Motaung o qetelletse a se a sa hlokomele lelapa la hae v mme le Tiisetso o qetelletse a se a sa ya Yunivesithing.
E fela Motaung o qetelletse a kgitlilwe ke sefi hobane o qetelletse a tswile ka lelapeng la hae a se a dula le Mantshelev mme o ne a se abile a nwa jwala.
Mankepe ke mosadi ya nang le lefufa le pelo e mpe.v O hlohloletsa ditaba hore di nne di senyehe ho ya pele.v Pelo ya hae e mpe mme o buisa batho hampe haholo. O thabela ditsietsi tsa batho ba bang.
Nkepe o kgothalletsa Tiisetso ho se ye yunivesithing ka ha a sa bone molemo wa thuto a mo kgothalletsa ho ya sebetsa difemeng.
Ke molaetsa o bontshang ka moo lefufa le ka bang le ditlamorao tse bosula kateng.
Tupu ha a je ditheohelang ke dipalangwang tse nkang batho merafong ho ba isa madibohong ohle a mohokare. Tupu o re dipalangwang tsena ke tsa mokunyata ha di molaong. O laela mapolesa ho ya ditseleng tse tsamayang dikoloi tsena mme o a laela hore a theole bapalami hanghang, a lefise monga kgwebo mme ebang a sa lefe, a kwallwe hanghang. O tletleba ka hore bahwebi bao ba hudisa bana ba bobona ba nang le kgwebo ya dipalangwang ha boima. E leng ba Ralewa. O bolela hore mmuso wa bona ha o a lokela ho kenyeletsa bana ba Rantsho tabeng tsa moruo.
Tupu o romela sehlwela sa hae ho ya utlwela ka maano le merero ya bona. Moetapele wa mokgatlo wa dipalangwang eo lebitso la hae e le Reutlwile o tsitlallela ho tsamaisa mokgatlo ona wa dipalangwang leha Tupu a ba jesetsa kgwebeleng. Mekgatlo ya dipalangwang e se e le mengata hoo batho ba bang ba nyatsang ditlhahiso tsa Reutlwile. Mekgatlo ena e meng e sebetsa ka tsela e sa amoheleheng. Ba palamisa le ho theola batho hohle mona bas a kgathalle basebedisi ba bang ba tsela. Mekgatlo ena e letsetsa diyalemoya hodimo ka makoloi a bona, ba hlekefetsa bapalami hape ba kgakgatha motho ya palamisang batho empa a hloka mangolo a mo dumellang ho tsamaisa setjhaba tseleng eno. Ho kgabola sethunya ha Reutlwile. Bophelo ba Reutlwile bo tsietsing ya ho batlwa ke Tupu le borakgwebo ba bang ba nang le mona. Reutlwile o dula a katilwe. Ba lelapa la hae ba mo lemosa hore a itokolle boetapeleng hobane bophelo ba hae bo se bo le kotsing.
Reutlwile o ya kopanong e bitsitsweng ke baetapele ba mekgatlo yohle ya dipalangwang. Ho buisanwa ka ho rarolla mathata a teng ka hara mekgatlo le kgatelopele. Reutlwile I hlahisa dintlha tse ka etsang hore ho be le poelano le kgatelopele. Ba thabela tlhahiso eo mme ba lemoha Reutlwile ka dimpho tseo ba mo fang tsona.
Ho na le methwaelanyana e sa thabelang mantswe a Reutlwile ka kopanong. Reutlwile o ya ntlwaneng a le mong a sa lebelwa ka mora kopano eo. O hlajwa sefubeng ka thipa ke monna e mong mme o a hlokahala.
Ke ho touta ka Makatikati.v Hoba Makatikati a fihle lapeng lehlaba la mmae le ile la fola.
Mohatsa Makatikati o thotse hoo a mo tshosang. vv Makatikati ha a sebetse hole le hae empa ha a tle lapeng.
O ile a re bana ba hae ha ba eso mo hlole.
O ile a re batjhana ba se bapale/itlwaetse bana ba bang.
O ne a se a opelwa senyeng.
O leshano - Ha a fihla tleliniking o bolella baoki hore o se a bile a otlile monga ketso ena athe ke yena ka sebele ya e entseng. Ha mosadi a mmotsa o re Dieketseng o leshano.v O tletse maqheka - O re batjhana ba se ke ba etsa setswalle le bana ba bang hore diketso tsa hae di se ke tsa tsebahala.v O pelo e mpe - O beta motjhana.
Diketsahalo tsa peto di tlalehwe sepoleseng.v Motswadi e mong le e mong a ikgodisetse bana ba hae, a itlhokomelle bona.
Ke kgoeletso e sebedisetswang ho hohela mmadi wa thothokiso.
Mohopolo o hlahisitsweng moleng o ka hodimo o phethelwa ho o hlahlamang.
Ke potso e sa hlokeng karabo eo sethothokiso se e sebedisetsang ho hohela mmadi le ho natefisa thothokiso.
Ho lekalekanya moelelo wa mantswe a tlang pele ho yona le a e latelang.
Ho hatella se bolelwang le ho fana ka neheletsano meleng, ho fetisa mohopoloojerweng ke mola o ka hodimo.
Mela ya 9 -10 "O iphetotse , O ikentse..."
Ho fokotsa bolele ba dinoko tsa lentswe molathothokisong.
Ruthutha v Lentswe lena le kgohlela hantle ho feta ha ho ne ho itswe Pula etsa na.
Ho potlakisa morethetho wa thothokiso. Mohopolo o hlahisitsweng moleng o ka hodimo o phethelwa ho o hlahlamang.
Tomatsoe bonahala ka letshwao la hore ekaka sethothokisi sea rorisa athe se a phoqa mme se phoqa ka sepheo sa ho kgalemela.
Enjambamente v . -Ho potlakisa morethetho wa thothokiso -Mohopolo o hlahisitsweng moleng o ka hodimo o phethelwa ho o hlahlamang.
Ke phetapheto ya moelelo v . Ho rafoha le ho tshaba lefatsheho bolela ntho e le nngwe e leng ho phahama ka seemo.
<fn>93003VME2007.txt</fn>
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A 50 TSHEBEDISO YA PUO - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka phethahalo. O sebedisa puo ya bonono le bokgabo ka tshwanelo. - Kgetho ya mantswe ka tsela e tshwanetseng haholoholo. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e hokahaneng. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse loketseng sehlooho haholoholo. -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. -Bolelele ke bo dumellanang le ditlhokeho tsa sehlooho. - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe ka nepahalo. O kgona ho kenyelletsa puo ya bonono le bokgabo ka tsela e tshwanetseng. - Kgetha mantswe ka tsela e fapafapanang, mme o a sebedisa ka nepahalo. -Dipolelo le diratswana di na le moelelo, di a fapana. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse loketseng sehlooho. - Tema boholo e hloka diphoso kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele ke bo nepahetseng - Puo, matshwao a puo di sebedisitswe boholo ka ho nepahala. - Kgetho ya mantswe ke e loketseng tema. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ntle. - Setaele, sehalo le rejesetara boholo ke tse loketseng sehlooho. ka tsela e babatsehang. - Ditema boholo di hloka diphoso hoba mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele ke bo nepahetseng. - Puo ke e bonolo, matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e lekaneng. - Kgetho ya mantswe ka tsela e lekaneng. -Dipolelo le diratswana di ka fosahala nqa tse itseng, empa moqoqo o ntse o na le moelelo. - Setaele, sehalo le rejesetara ka kakaretso di tsitsitse mmoho le ditlhokeho tsa sehlooho. - Tema e ntse e na le diphoso leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele bo nepahetseng. -Tshebediso ya puo ke e mahareng feela, mme hangata matshwao a puo a sebedisitswe ka tsela e fosahetseng. - Sebedisitse mantswe a bonolo/motheo feela. -Dipolelo le diratswana di fosahetse, empa mehopolo e a utlwahala. - Setaele, sehalo le rejesetara di holoka kgokahano. -Tema e na le diphoso tse mmalwa leha di lekotswe botjha ho lokisa diphoso - Bolelele: o molelele/ mokgutshwane haholo -Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng. - Kgetho ya mantswe e a haella. -Dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e bonolo. - Setaele, sehalo le rejesetara ke tse sa lokelang tema. -Tema e na le diphoso tse ngatanyana leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. - Bolelele: o molelele/ mokgutshwane haholo - Tshebediso ya puo le ya matshwao a puo ke e fosahetseng haholo. - Kgetho ya mantswe e fosahetseng. -Dipolelo le diratswana di kopakopane mme ha di a tsitsa. - Setaele, sehalo le rejesetara di fosahetse ka hohlehohle. -Tema e na le diphoso tse ngatangata mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso -Bolelele: o ka ba molelele/ mokgutshwane haholoholo.
Phihlello e babatsehang - Dikahare di bontsha kutlwisiso ya sehlooho ka tsela e kgahlisang. - Mehopolo: ke e phepetsang monahano, e tswileng matsoho. - Kgodiso ya sehlooho ka tsela e hokahaneng, dintlhana ke tse hlakileng. Kelohloko e hlokolosi tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo batlang o hloka diphoso, o boheha.
Phihlello e kgabane - Dikahare hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e tebileng. - Mehopolo: o bontsha ho nahanisisa taba, e tsosa tjantjello - Kgodiso ya dintlha ka tsela e nang le moelelo. Ho na le kgokahano. - Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o bopehileng ka bokgabane, o bohehang.
Mehopolo: ke e kgahlisang, e kgolwehang.
Hlahisitse dintlha tse mmalwa tse tsamelanang le sehlooho.
Bontsha kelohloko e hlokolosi ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse moqoqo o motle haholo, o bohehang.
Dikahare di bontsha hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e mahareng feela.
Mehopolo: ke e tlwaelehileng, e hlokang botebo.
Hlahisitse dintlha tse mmalwa tse loketseng.
Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang.
Dikahare di bontsha hore o fihletse moelelo wa sehlooho ka tsela e mahareng feela.
Mehopolo ke e tlwaelehileng, e hlokang botebo. Ho na le dikgeo kgokahanong.
Mehopolo: boholo ke e nepanang le sehlooho, boiqapelo bo haellang.
Dintlha tse hlokehang boholo di teng.
Kelohloko e itseng ya tshusumetso ya puo.
Bopaki ba hore mohato wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse ho nehelanwa ka moqoqo o kgotsofatsang.
Phihlello e karolwana feela -Ha se ka mehla dikahare di hlakileng, ha ho kgokahano.
Nqa tse ding o tswa lekoteng, leha mohopolo wa sehlooho o ntse o latelwa. -O a haella bakeng sa kgato ya puo ya lapeng leha ho entswe moralo wa boitokisetso le meralo ya pele. Nehelano e seng ntle ya moqoqo.
Boholo ditaba (dikahare) di tswile lekoteng. Ha ho na kgokahano.
Mehopolo: e a nyahamisa, e a iphetapheta, e tswile lekoteng.
Moralo wa boitokisetso le meralo ya pele di a haella. Nehelano e fokolang ya moqoqo.
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE MATSWAO A 30 TSHEBEDISO YA PUO -O hlahisitse sebopeho se phethahetseng - Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang puo e phethahetse - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. -Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse - Tlotlontswe boholo e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ditlhoko tsa mosebetsi. - Tema boholo e hloka diphoso hoba di lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse boholo ba melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopilwe hantle mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ka kakaretso ke tse loketseng tema. - Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng wa ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopilwe ka tsela e lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e tshwanetse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng, ka tsela e lekaneng. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. -Bolelele bo nepahetse. - O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. - Tema e bopilwe ka tsela e bonolo. Diphoso di mmalwa. - Tlotlontswe e a haella mme ha e a lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo hakaalo. - Ho na le dikgeo setaeleng, sehalong le rejiserateng. -Tema e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: e telele/kgutshwanyane haholo. - Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e lerootho. - Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme ho boima ho e latela. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa mme ha e ya lokela sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse sa lokelang tema. -Tema e ntse e tletse diphoso leha lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. -Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e kopakopane. - Tlotlontswe e lokela ho lokiswa haholo mme ha e ya lokela sepheo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -- Tema e ntse e tletse diphoso haholo mme e kopakopane leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. - Bolelele - e telele/ kgutshwane haholo ho feta tekano.
Phihlello e Babatsehang - Tsebo ya ditlhokeho tsa tema ke e ikgethileng. - Ngola a ipapisitse le ditlhoko tsa mosebetsi - moithuti o tsepama hodima seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano e phethahetseng ya dintlha le mehopolo, mme dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e batlang e hlokang diphoso.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle ya ditlhokeho tsa tema. - O ngola a tobane le mosebetsi ka -moithuti o tsepama ho seo a se ngolang a sa tswe lekoteng. - Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, mme dintlhana tsohle di e tshehetsa sehlooho. -Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Tsebo e batlang e le ntle ya ditlhokeho tsa tema.
Ho ngola - moithuti o tsepama ho seo a se ngolang, empa o kgeloha hanyenyane feela.
Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, mme dintlhana tshehetsa sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle e bohehang.
Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema.
Ho ngola - moithuti o a kgeloha qalong empa ha a senye moelelo wa tema ka kakaretso.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme dintlhana tse seng kae di tshehetsa sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e kgotsofatsang, e bohehang.
Tsebo e mahareng feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang.
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo dibakeng tse ding.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tsa motheo tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e hokahaneng le ho boheha ka tsela e mahareng feela.
Phihlello e karolwana feela -Tsebo e karolwana feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo ya hae mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamo e fokolang.
Ho ngola - moithuti o a kgeloha, mme tema e lahlehelwa ke moelelo nqa tse ding.
Moralo wa boitokisetso mmoho le/kapa meralo ya pele di a haella. Nehelano e seng ntle ya tema.
Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
moelelo o siretse nqa tse ding.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo mm eke dintlha tse mmalwa feela tse tshehetsang sehlooho.
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE RUBURIKI SKN KAROLO YA C : DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE LE TSA TLHAHISOLESEDING/ TSEO HO KA TADINGWANG HO HONG HO TSONA MATSHWAO A 20 TSHEBEDISO YAPUO - O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho. - Puo e sebedisitswe ka ho nepahala mme tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. - Tlotlontswe ke e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo ka ho phethahala. - Setaele, sehalo le rejisetara ke tse loketseng ka ho phethahala. -Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopehile hantle mme e nepahetse. - Tlotlontswe boholo e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara boholo ke tse loketseng. - Tema boholo e hloka diphoso kaha di lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse boholo ba melao e hlokehang ya sebopeho. - Tema e bopehile hantle mme e baleha habonolo. - Tlotlontswe e loketse sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ka kakaretso ke tse loketseng. - Tema boholo e hloka diphoso kaha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele bo nepahetse. - O sebedisitse mohopolo o lekaneng mabapi le ditlhokeho tsa sebopeho. - Tema e bopehile hantle ho lekaneng. Diphoso ha di nyotobetse moelelo. - Tlotlontswe e lekane, ho tadinngwe sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. -Setaele, sehalo le rejisetara ke tse tshwanetseng ho lekane. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. -Bolelele bo nepahetse. - O na le mohopolo o mahareng wa ditlhokeho tsa sebopeho. - Sebopeho sa tema ke sa motheo feela. Diphoso di ngatanyana. - Tlotlontswe e a haella, mme ha se e loketseng sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo hakaalo. - Ho dikgeo mabapi le setaele, sehalo le rejisetara. - Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholo. - O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e lerootho. - Tema e bopehile ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima. - Tlotlontswe e hloka ho ka lokiswa ka tsela e itseng, mme ha e tshwanele sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha se tse loketseng. -Tema e na le diphoso tse ngatanyana leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. proof-reading, editing. - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholo. - Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho - Tema e bopehile ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. - Tlotlontswe e hloka ho ka lokiswa ka haholo, mme ha e tshwanele sepheo, baamohedi ba ditaba le maemo. - Setaele, sehalo le rejisetara ha di tsamaelane le sehlooho. -Tema e na le diphoso tse ngata mme e lobokane leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. - Bolelele: e telele/ kgutshwane haholoholo ho feta tekano.
Phihlello e babatsehang - Tsebo e ikgethang ya ditlhokeho tsa tema. - O ngola a tsepame ka hohlehohle ho seo a se ngolang, ha a kgelohe. - Dintlha le mehopolo ya tema di hokahana ka ho phethahala, dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e batlang e se na diphoso ho hang, e bohehang.
Phihlello e kgabane - Tsebo e ntle ya ditlhokeho tsa tema. -O ngola a tsepame hantle ho seo a se ngolang, ha a kgeloswe ke letho. - Dintlha le mehopolo ya tema di a hokahana, mme dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e bopilweng ka bokgabane, e bohehang.
Phihlello e kgotsofatsang - Tsebo e kgotsofatsang ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: o tsepama hodima seo e se ngolang, empa o na le ho kgelokgeloha - Tema e na le kgokahano ya dintlha le mehopolo, mme le dintlhana tsohle di tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse tema e ntle, e bohehang.
Phihlello e lekaneng - Tsebo e lekaneng ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, empa hona ha ho nyotobetse moelelo wa tema. - Dintlha le mehopolo di hokahana ho lekaneng, mme dintlhana tse itseng di tshehetsa tshehetsa sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsokgotsofatsang. Kgato ya 4:50%- 59%Phihlello e mahareng - Tsebo e mahareng ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamiso e haellang ya maikutlo. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Dintlha le mehopolo di hokahana ka tsela e mahareng feela, mme ke dintlhana tsa motheo feela tse tshehetsang sehlooho. - Bopaki ba hore moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di hlahisitse nehelano ya tema e kgotsokgotsofatsang ho mahareng. Kgato ya 3:40%- 49%Phihlello e karolwana feela - Tsebo ya motheo feela ya ditlhokeho tsa tema. Karabelo mosebetsing o ngolwang e bontsha tsepamiso ya maikutlo e haellang. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, mme moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Ha se ka nako tsohle dintlha le mehopolo di hokahanang, mme ke dintlhana tse seng kae feela tse tshehetsang sehlooho. - Moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele di a haella. Tema ha e a nehelwa ka tsela e thabisang Kgato ya 2: 30%-39% Ha ho phihlello - Ha a na tsebo ya ditlhokeho tsa tema. - Ho ngola: moithuti o a kgeloha, mme moelelo ha o utlwahale nqa tse ding. - Dintlha le mehopolo ha di a hokahana, mme ke dintlhana tse mmalwa haholo tse tshehetsang sehlooho. - Ha ho moralo wa boitokisetso le/ kapa meralo ya pele. Nehelano ya tema e fokolang.
<fn>93003VMS2009.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 15.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo.
C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Mmino wa kajeno. Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore (Discursive) Mohlahlobuwa o lekola mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsenang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe. Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya ditaba (moqoqo) tsa hae, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha ho ntse ho ngolwa moqoqo.
Lehlakore le opileng kgomo lenaka ke le reng. Moqoqo wa ngangisano (Argumentative) Mofuta ona wa moqoqo mohlahlabuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng. O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae. Moqoqo ona ke o kgethang lehlakore oo ho ona mongodi a lekang ho hlohloletsa mmadi hore a dumellane ntlhakemong ya hae.
Maemo le matla bothong ba rona. Moqoqo wa boimamelo/tebisa maikutlo (Reflective) Moqoqo wa boimamelo mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae.
Kgalemo le tataiso baneng. Moqoqo wa tlhaloso. (Descriptive) Moqoqo wa tlhaloso mongodi o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng jwalo ka yena (mongodi).
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng y a ditlhokeho tsa mosebetsi Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tem a e babatsehang Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tem a e bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgots ofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho ut lwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo b otle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tem a e bopilweng ka tsela e ntle e kgotso pfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe mora lo Phethahatsa dit lhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta w a tema ka tse la e lekaneng Bopaki bo mahare ng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tem a e bopilweng ka tsela e amohelehileng Bopaki bo seng b okae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa dit lhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta w a tema ka tse la e lekaneng Bopaki bo hae llang ba hore mora lo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng Bopaki bo hae llang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tem a e lebelletsweng bo fokola ha holo Ha ho mora lo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo hael la haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le di ntlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng y a dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tsheh etsa sehlooho Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, ma i-kemisetso le maemo ka tsela e babatse -hang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang ha -ngata ke tse kgodisa -ng haholo, tse tshwa -rellang mme tse bo -pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya di kahare le mehopolo, sehlooho se manol lwa ka bo -tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haho lo Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dik ahare le mehopolo, sehlooho se sekaseki lwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa seh looho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g ke tse kgodisang, tse batla ng di tshwarella mme d i bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na l e dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka t sela e kgotsofatsang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopil we ka tsela e kgodisan g ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokg aoha Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ela hloko ba reretswen g ditaba, ma ikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekan eng Dintlha tse tshehe -tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse sen g kae tse tshehetsang sehlooho Ela hloko ba rere -tsweng di taba, ma i-kemisetso, maemo le sebo peho ka b o-kgoni bo haellang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopilwe ka tse la e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Ena ke tlhahisoleseding e sebedisetswang ho bapatsa sebaka, sehlahiswa kapa tshebeletso e itseng.
Lebitso la sebaka/sehlahiswa/tshebeletso le lokela ho hlaka.
Sebaka moo sebapatswa se fumanehang teng.
Ditshebeletso tse fumanehang sebakeng se bapatswang di lokela ho totobala.
Nomoro ya mohala wa motho ya ka fanang ka tlhahisoleseding e batsi.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Dikahare di lokela ho utlwahala hore di bolela ka se bonweng.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Dintlha tsa bohlokwa di hlake.
Molaetsa o totobale e be wa nnete, o nyallane le se tlalehwang.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse me lao yohle e hlokehang ya sebopeho ka t sela e phethahetseng Diratswana d i phethahetse, di hokahane ka ho h laka ka dinako tsohle Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dume llana le mosebetsi Tema e bopilw e ka tsela e babatsehan g Bolelele bo nepahetse O sebedisitse me lao e hlokehang ya sebopeho ka t sela e ntle haholo Diratswana tse nt le haholo, di hokahan e ka tsela e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi Tema e bopilw e hantle haholo mm e e nepahetse Bolelele bo nepahetse O sebedisitse me lao e hlokehang ya sebo peho ka tsela e kgotsofatsang Diratswana tse nt le tse hokahaneng ka tse la e hlakileng boholo ba nako Selelekela le qetelo di ntle mme d i dumellana le mosebetsi Tema e bopilw e hantle mme boholo e nepahetse Bolelele bo nepahetse O sebedisitse me lao e hlokehang ya sebo peho ka kutlwisiso e lekaneng Diratswana tse nt le, tse hokahaneng ka tse la e utlwahalang Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi Tema e bo pilwe ka nepahalo ho lekaneng Bolelele bo nepahetse O na le k utlwisiso e mahareng ya d itlhokeho tsa seb opeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hoka hana ka tsela e mahareng Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho late la mosebetsi Tema e bopilw e ka tse la e bonolo mme e bale ha habonolo Bolelele bo nepahetse Sebedisitse me lao e hlokehang ya sebopeho ka t sela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batla ng di hloka kgoka hano Selelekela se haellang le qete lo e sa phethaha lang Tema e bopilw e ka tsela e foko lang, e baleha ha boi ma Tema e bat la e le telelele/kgutshwane Ha a sebedisa me lao e hlokehang ya sebo peho.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le di ntlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng y a dikahare le mehopolo, dint lha tsohle di tsheh etsa sehlooho Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, ma i-kemisetso le maemo ka tsela e babatse -hang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang ha -ngata ke tse kgodisa -ng haholo, tse tshwa -rellang mme tse bo -pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya di kahare le mehopolo, sehlooho se manol lwa ka bo -tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo Mehopolo le d intlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dik ahare le mehopolo, sehlooho se sekaseki lwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa seh looho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g ke tse kgodisang, tse batla ng di tshwarella mme d i bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na l e dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ikamahanya le ba reretsweng d itaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka t sela e kgotsofatsang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopil we ka tsela e kgodisan g ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokg aoha Tema e bontsha kgokahano ya dik ahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse se ng kae tse tshehetsan g sehlooho Ela hloko ba reretswen g ditaba, ma ikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekan eng Dintlha tse tshehe -tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse sen g kae tse tshehetsang sehlooho Ela hloko ba rere -tsweng di taba, ma i-kemisetso, maemo le sebo peho ka b o-kgoni bo haellang Mehopolo le d intlha tse e tshehetsan g di bopilwe ka tse la e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Rejisetara le sehalo Rejisetara le sehalo Rejisetara le sehalo di Rejisetara le sehalo Rejisetara, seha lo le Rejisetara, seha lo le Bopaki bo hae llang di sebedisitswe ka sebedisitswe ha ntle sebedisitswe ha ntle, sebedisitswe ka tse la e setaele di sebedisi tswe setaele di batla di sa haholo ba rejisetara, bokgoni bo haholo mme o mme o bontsha b opaki kgotsofatsang mme ka tsela e foofo feela, e loka; bontsha sehalo le setae le tse babatsehang, setae le bontsha bopaki ba ba setaele sa hae hangata o bontsha batla e ba tsa ka me hla bopaki bo hael lang loketseng, kapa ho se hlakileng sa hae.
Mohlahlobuwa a ingole e le yena kapa e le motho e mong.
Diketsahalo e be tsa matsatsi a mahlano.
Matsatsi ao diketsahalo di etsahetseng ka wona a lokela ho ngolwa pele ho diketsahalo.
Diketsehalo di bontshe maikutlo, mehopolo, meralo, diqeto le kameho ya maikutlo a mohlahlobuwa.
Puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng.
Dipolelo di kgutshwane, mme di utlwahale.
Posekarete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Ditaba di hohele mmadi.
Mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Letsatsi le sebaka di hlake.
Ditaba tsa mohlahlobuwa di hlake mme di tobe taba.
Puo e be e hlwekileng e bileng e nepahetseng, e ele hloko moamohedi wa ditaba.
Molaetsa o lokela ho ba mokgutshwane, mme o phethahale.
<fn>93003VQE2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 5.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka wona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi hao le ho hlaola diphoso.
Dibakeng ka ho fapana re ntse re voutela boramotse metseng ya borona. Re etsa sena hobane re shebelletse hore ba re fe ditshebeletso tse phethahetseng. Ba bang ba bona ba phethisa ditshepiso ha ba bang ba sa di phethise kaofela. A ko ngole moqoqo o qoqe hore na ha o ka kgethelwa ho ba e mong wa boramotse tikolohong ya heno o ka etsa jwang.
Ha nka kgethelwa ho ba ramotse tikolohong ya heso.
Afrika Borwa e fumane tokoloho lemong sa 1994. Sena se tlisitse diphetoho le ha nthong tse ding ho se jwalo.
Diphetoho tse tlisitsweng ke tokoloho.
Mathata ao re teanang le ona bophelong a re ama ka tsela tse fapafapaneng. Bang ba fellwa ke takatso ya dijo, ba bang ba qetela ba fokola mmeleng, ka nako tse ding ba fellwa ke boroko hara mpa ya bosiu.
Molaotheo wa mmuso wa Afrika Borwa o ela hloko setso le ho bontsha kananelo ya botle ba ditso tse fapaneng. Batho ba ntse ba ikamahanya le setso kapa bodumedi jwalo ka lebollo, lenyalo la setso le tshebediso ya methokgo. Ba bang ba re ke diketso tsa bohetene.
Setso le meetlo ya Basotho.
Dipapadi di bohlokwa ho kgatholla mmele le ho phomotsa kelello. Re atisa ho ya mabaleng a dipapadi re thabe ho bona dihlopha tseo re di tshehetsang di hlola. Batshehetsi ba a bina, ba hlaba medidietsane le hona ho letsa diletswa ka ho fapana ha tsona.
Ngola tema e le nngwe ya bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
O moetapele wa lekgotla la baithuti sekolong sa heno. Barutwana ba makgaolakgang ba tla etsetswa moketjana wa ditumediso pele ba ngola ditlhahlobo. Ngola puo eo o tla e tshetleha letsatsing leo.
Peipi e kgolo e fepelang metsi motseng wa heno e phatlohile. Baahi ha ba elellwe hore ba tla hloka metsi nako e tla etsa beke. Ngola tsebiso e tla phatlalatswa koranteng ho hlokomedisa baahi ka ho kgaoha ha phepelo ya metsi.
Mokgatlo wa lona wa lepato o tshwara kopano kgwedi le kgwedi. Jwale ka ha o le mongodi mokgatlong oo, ngolla ditho tsohle, o di tsebise ka kopano ya kgwedi. Ha o qeta o ngole le metsotso ya kopano eo.
Ngola tema e le nngwe e bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
Kgaitsedi ya hao e qetile lengolo la B.A. Lelapa leno le ikgantsha ka yena mme le rerile ho mo etsetsa mokete wa semetletsahadi wa dikapeso. Ngola karete eo o memelang ba leloko le metswalle ho tla thaba le lona.
Ngwaneno ke semathi se seholo. O fumane kgau dipeisong tsa mabelo. Mo ngolle posekarete, o mo thoholetse ka seo a se fihlelletseng.
Matsatsing ana palo ya bafu e ya e ntse e eketseha metseng e mengata. Ketsahalo ena e susumeditse borakgwebo ho bula dimmotjhara tse ngata. Iketsetse tlhahisoleseding eo o hohelang baahi ba motse wa heno e bileng e bontshang ditshebeletso tsa hao tse tlase.
<fn>93003VQE2008.txt</fn>
KAROLO YA A: Moqoqo KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane.
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 250 ho isa ho a 300. KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 ho isa ho a 100 (dikahare feela).
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane. Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso - mantswe a 80 ho isa ho a 100.
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo wa mantswe a 250 ho isa ho a 300.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka ona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi wa hao le ho hlaola diphoso.
Bala ditaba tse buuwang ke baithuti setshwantshong se ka tlase o ngole moqoqo ka sehlooho sena: Pherekano le melemo e tlisitsweng ke thekenoloji.
Boetapele ke mosebetsi o batlang maikemisetso, boitelo, tshebedisano, nnete le botshepehi. Ho teng baetapele ba kgotsofatsang ditlhoko tsa balatedi ha ba bang ba hloleha. Ha o ka kgethwa ho ba moetapele wa barutwana o tla tshwara balatedi ba hao jwang Ngola moqoqo ka: Ha nka ba moetapele wa barutwana sekolong sa heso?
Mmuso wa rona o kgothaletsa baahi ho bala hore ba be le tsebo le bokgoni. Sekolong morutwana ka mong o lebelletswe ho bala dibuka tse fapafapaneng tsa Sesotho. Re phetele pale eo o kileng wa e bala kereiting ya leshome. Sehlooho sa moqoqo ebe: Pale eo nkileng ka e bala.
O ne o le moithuti ho e nngwe ya diyunivesiti mose ho mawatle. Motswalle wa hao eo o neng o kena sekolo le yena o lakatsa ho etela Afrika Borwa ho tla boha dipapadi tsa mohope wa lefatshe tsa 2010. Ngola moqoqo o hlalose maemo a naha ya heno o ikamahantse le tsa moruo, dipolotiki, tshireletso le polokeho ha mmoho le phedisano. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Afrika Borwa naha ya heso.
Kgethollo e fedisitswe naheng ya rona ka ha re se re phela nakong tsa demokrasi. Basadi ba se ba etsa mesebetsi e neng e etswa ke bontate feela. Malapeng, bomme le banana ba ntse ba tobane le bothata ba kgatello, ho lebelletswe hore ba phehe, ba hlwekise matlo, ba hlokomele bana le tse ding. Ngola moqoqo o tebisitse maikutlo sehloohong sena: Kgatello ya basadi le banana malapeng.
Ngola tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele bo se bo boletswe leqepheng la 2.
Baahi metseng ya rona ba tletleba ka ditefello tse phahameng tsa motlakase le metsi. Lekgotla la baahi ha le sekehele dillo tsa baahi tsebe. Ka thuso ya setshwantsho sena, ngolla Ramotse wa heno lengolo o hlahise ditletlebo tsa baahi ba heno mabapi le ditshebeletso tse sa kgotsofatseng tsa mmasepala.
Lekgotla le emetseng baithuti sekolong sa heno (RCL), le sa tswa kgethwa kgweding ya Pherekgong. Ka lehlohonolo la moteaphala o thontswe ho ba modulasetulo wa lona. Ngola puo eo o tlang ho e tshetlehela barutwana le mesuwe jwalo ka ha dikolo di se di tla bulwa.
Dikotsi mebileng ya naha ya rona di a hlobaetsa. Baahi ba a hlokahala ha ba bang ba qetella e le diqhwala. Ka thuso ya setshwantsho se ka tlase, ngolla ba sepolesa tlaleho ka se etsahetseng kotsing eo o amehileng ho yona.
Matsatsi a phomolo a mafelo a selemo a se a fetile. Motswalle wa hao o ne a o etetse matsatsi a mahlano, ho kenyelletswa le la Keresemese. Ngola dayari ya matsatsi ao, o bolele tseo le di entseng mmoho letsatsi ka leng.
O se o tla keteka letsatsi la hao la tswalo. Batswadi ba rerile ho o etsetsa mokete wa semetletsahadi. Ngola karete eo o tla e romella metswalle ya hao.
Inahanele sehlahiswa sa mofuta ofe kapa ofe mme o rale papatso e tla hlahella ho e nngwe ya dimakasine tse tsebahalang. Hopola hore papatso eo e lokela ho hohela babadi ho reka sehlahiswa sa hao.
<fn>93011VMF2005.txt</fn>
Ho tloha tulong eo o neng o dula ho yona, ho ya dula ho e nngwe.
a Ho fumana moo ba tla dula. 1 b Ho fumana tsela eo ba tla iphedisa ka yona.
a Ha ba na mathata a merabe, ba iphelela feela ba sa natse.
A tliswa ke matswantle a tswang tikolohong e batlileng e tshwana.
a Batho ba sa tswallwang lefatsheng leo sebakeng seo. 2 b Sebaka lebophelo ba sona. 2 c Mefuta e fapaneng ya batho.
Dintwa, tlala, dikgohola, mollo.
Ba are lemela kapaba re thusa ho fumana meroho eo ree hlokangho matlafatsa mmele ya rona.
Batho le setjhaba ka kakaretso.
Ho ya batla mesebetsi etlabalefa hantle.
batho ba sebedisa tjhelete ho reka ntho tseo ba ka nnang ba iketsetsa tsona.
Hobane batho ba tla sitwa ho sebetsa ka ha metjhini e se e nketse batho sebaka.
Ka hotlwaelana le batho bao e seng matswantle, le ho ithuta hore ke eng se etsang hore ba dule ba bolokehile.
Mona ho buuwa ka Nomfundo Mokaka ya sa hodiswang ke batswadi ba hae ka baka la hokwetelwa. Mosadi ya mo kwetetseng one a sala le yenaha e sa le lesea.O ile a mo isa Kwazulu Natal ka mora hore mmae a hlolehe ho mo lefa diranta tse hlano.
Motswalle wa hae o ile a mo tsebisa hore mosadi eo ha se mmae yaba o emahangho ya batla ba lelokola hae. Ka bomadimabe ha a ka a amohelwa ka baka la HIV/AIDS.
Ba taolong ya lefu lena e ka ba tla mo thusa ha feela a ka etsa palo ya CD4.
Batho ba mesebetsi kapa mekgwa etshwanang ba tsamaya/phela mmoho.
Ha o tsamaya le leshodu o lona kapa o ka se tsamaye le mashodu o se lona.
Se bua ka batho ba utswang kapa ba etsang dinthotse mpe mmoho.
Noka a Noka e tletse metsi 1 b Noka ya ka e bohloko setho sa mmele 1 c Noka nama ka letswai.
Morwetsana e motle.
Na o ka noka nama ena ke a tsamaya?
b Na Nama ena e kenokwa ke a tsamaya?
<fn>93011VMF2006.txt</fn>
Motho a ka senyehelwa ke mosebetsi.
Di theola seriti.
Batho ba a o kgesa, ha ba o tshepe.
Ba ya utswa.
Ba hlokofatsa batho.
Ba kenya batho tsietsing.
Ba hloka lerato le tshehetso.
Ba etsa ntho tse mpe tse utlwisang batho bohloko jwale ka ho rekisa thepa ya ntlo le diaparo tse mmeleng.
b Ba ka beta kapa hona ho bolaya.
b Ya tjhelete.
E theilwe hoba ba leloko ba ameha ka hohlehohle leha bona basa sebedise dithethefatsi.
Ho ruta batho ka kotsi ya dithethefatsi.
Ke ho eletsa, romela ho fumana thuso (rehabilitation) le hore motho ya jwalo a itlhahise setjhabeng a tsejwe hore a tlo kgona ho eletsa ba tla be ba qala.
(b) (c) (d) (e) Ho utswa. Leshano. Ho etsa ntho tse tswileng jwale ka ho rekisa thepa le diaparo. Ho fokola mmeleng. Ho dula eka kelello ha e sebetse.
Ka ho mo fa lerato le ho elelliswa ka kotsi ya tsona.
(b) (c) (d) O ka lahlehelwa ke mosebetsi kapa tsohle. O ka lahlehelwa ke ba leloko, bodulo, metswalle. O ka shwa. O ka qhwalla ruri.
Ke ho tsebisa mapolesa ka pelenyana hore batho bano ba kwallwe dilemo tjhankaneng ka ha ba senya setjhaba le bokamoso ba batho.
Ho buuwa ka moshanyana ya ratang thuto ya "Biology". Hlopheng sa hae tsatsing lena se ne se bala ka dinoha. Mosuwe wa hae o ne a kgona ho hlalosa eka noha eno e teng ka phaphosing. Ba ne ba ithuta ka ditlhware. A ba bolella hore ha di na mahloko; a hlalosa hore ha di hlokofatse batho empa phoofolo di e ja e le jwalo le masapo a yona. O ne a hlalosa ebile a tlile le setshwnatsho sa tlhware. Bosiu ha a robetse, a lora a le Natala tlhware e batla ho mo bjabjaretsa, moo e reng e a mo tshwara, a hweletsa mmae a tsoha!
Mong / leng.
Ke ngwana mong eo a mo fumaneng. Letlalo le leng le omme?
Lerako le leholo le tla wa.
Ho busa morena e mong ya bohlale; bana ba lapileng (e le nngwe).
Mekotlana ya hae e mengata.
Naheng eo yohle batho ba ile ba itokisetsa ho ya moketeng.
Naheng eo yohle batho ba ye ba itokisetse ho ya moketeng.
Naheng eo yohle batho ha ba itokisetsa ho ya moketeng.
Na batho ba naheng eo yohle ba itokisetsa ho ya moketeng kapa Na naheng eo yohle batho ba itokisetsa ho ya moketeng?
Naheng eo yohle batho ba itokisetsa ho ya moketeng Eo koloi ke e hlatswa mehla ena?
Busa - busa lemati ho a bata Morena o busa ka lere la tshepe.
Bathobohleba lefatshe la hae ba mengwa.
mengwa - o mengwa ho ya moketeng.
A rera ho mema bona bohle ba lefatshe la hae.
Mofo - morena ntaele ke mofo wa hao.
<fn>93011VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, e leng A, B le C.
Badisisa ditaelo karolong e nngwe le e nngwe ka hloko.
Bala seratswana se latelang o tle o tsebe ho araba dipotso tse tla se latela.
Ha batho ba fallela toropong, ba tshwanela ho rarollamathata a kangho fumana moo ba tladula teng le ho fumana tsela eo ba tla iphedisaka yona. Ho barui hobonolo ho rarolla bothata ba bona empa ho mafutsana ho boima. Ho boima le ho feta ha o ilo dula metseditoroponghamoetlo wa hao o sa tshwane le wa moo mme puo ya haoe fapane le ya baahi ba bang. Tshepo ya hao ke ha o ka fumana thuso bathong ba seng ba ntse ba dula metseditoropong e bile ba hlaha motseng o batlileng o tshwana le wa heno. Tikoloho e nang le matswantle a tswang moo ho batlileng ho tshwana, ke sebaka se nang le tshehetso e matla bakeng sa batho ba sa tswa fihla sebakeng se setjha. Ka nqe nngwe ke sebaka se moferefere ho fetaho baahi ba bangmme se kaba le mathata a dikgohlano tsa merabe.
Ena hasenthoe kaetsahalangdibakeng tsa mafutsanafeela empa e ka nnaya etsahala le ditulong tsa matswantle a barui ka ha e ba mahlatsipa a ho ptjhatlelwa matlo. Matlo a tulo tse tjena a dula a lebetswe ke balebedi mme a bile a tantetswe ka mabota a malelele. Batho ba bang le ha ba ruile, ba ntse ba dula mahaeng mme ba itemela dijo tsabona. Metseditoropong ho na le batho ba bangata mme ba hloleha le ho lema le haba hlophehile. Monyetlawa hore bana ba kajeno e be borapolasi ba kamoso o ya o ntse o fokola. Lefatsheng kabophara borapolasi ba lema dijo tse ngata hofeta pele empa bakengsabasebetsi ba polasi hosebediswametjhini.
Phetla borapolasi badulabantseba hlokehafeela batho ba bangata ha ba kgone ho fumana mosebetsi wa polasi hore ba phele. Ba iphumana ba hlophehile haholo hoo tshepo ya bona e leng ho fumana mosebetsi toropong. Ka hona bongata ba batho bo a falla ka baka la hore ba susumetswa ho tswa polasing e seng hobane ba hohelwa ke ho hong toropong.
Boleladikotsi tse PEDItseo matswantle a iphumanang a le ho tsona ka ho fallela toropong.
Fana ka dintlha tse PEDI tseo batho ba fallelang toropong ba tlamehileng ho di rarolla.
Mathata a dikgohlano tsa merabe a tliswa ke eng?
Barui ba bang ba dula kae?
Ka ntle ho mabaka a boletsweng mona, fana ka mabaka a mang a MABEDIa ka etsang hore batho ba falle.
Bohlokwa ba borapolasi ke bofe?
Hobaneng haba lefabasebetsi ba bona hanyenyane?
Hobaneng ha batho ba bang ba fallela metseditoropong?
Bala seratswana se latelang o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tse supileng tsa bohlokwa. Sebedisa mantswe ahao hoakaretsa seratswana sena.O se ke wa se qotsa se le jwalo.
Se nengse tshwanetsehobathabo se ile sa fetoha maswabi le pono e bohloko ho mosadi ya nang le kokwanahloko yaHIV. Nomfundo Mokakake mosadi ya nang le dilemo tse mashome a mabedi a metso e robedi ya dulang Katlehong. O ne a ntse a batla ba leloko la hae ka mora hokwetelwakemosadi ya nenga sala le yena esa le lesea. Kopano eo a neng a e lebeletse bophelong bahae bohle e ile ya fetoha maswabi ka ha ba leloko basabatle ho mmonahohang ka baka labohloko bona bo mo tshwereng. Ntatae o ile a hla a itshola a re ha a na bodulo bo lekaneng lapeng la hae. Nomfundoo qadile ho itseba hore ke wa hamangselemong sa dikete tse pedi ha motswalle wa hae a mmolella hore mosadi ya mo hodisitseng ha semmae. Mosadi enwa o mo utswitse hoba mma Nomfundo a hlolehe ho mo lefa diranta tse hlano tseo ba neng ba dumellane ka tsona. Mosadi enwa o ile a isa Nomfondo Kwazulu-Natal moo Nomfundo e neng e le sebini se tummeng sa Maskandi. O nea binela sehlopha sa Amatshitshi Amhlophe. Sello sa hae se seng feela, ke ha yena le mora wa hae ba ka fumana pheko. Balaodi ba tsa bophelo bo botle ba re o tshwanetse ho etsa palo ya CD4 pele a ka fumana meriana le dipilisi tse ka fokotsang sekgahla sa HIV/AIDS.
Letona la tsa bophelo -mofumahadi Manto Tshabalala Msimang -o kgothalletsa batho ba nang le kokwanahloko enahore baje meroho e kangbete, konofolo, lamunule sona sepenetjhe. Batho ba lwanelang hore batho ba nang le kokwanahloko ena ba fuwe dipilisi ha ba utlwisise taba ena ka ha ba kgolwa hore ho na le batho ba sa sebetseng mme tsohle tseo letona le reng ba di je, ba ke ke ba di kgona. Ba bang bona ba bona e le motho ya sa kgathalleng maphelo a batho, haholo ba nang le kokwanahloko ena ya HIV. Letona le bile la toboketsa hore le meriana e fumanweng eo batho batlamehileng ho e fumana e ke ke ya fumanwa ke mang kapa mang. Batho ba tla tshwanela ho etsa diteko tsa madi pele ho lekola sekgahla seo motho ka mong a nang le sona mabapi le kokwanahloko ena. Ha eba ho bolokehile hore o fumane moriana kapa tsona dipilisi tsena o tla be o lokollohile ho di fumana, empa ha e ba ho kotsi o ke ke wa di fumana.
Bala seratswana sena o nto araba dipotso tse itshetlehileng ho sona.
Tumo le Tumelo ha ba tshepahale. Mosotho o a bolela ha a re nonyana tsa siba le le leng di fofa mmoho. E monga re motswalle wa leshodu ke leshodu. Ba bang ba re roma senokwane ho tshwara se seng.
Nonyana tsa siba le le leng di fofa mmoho.
Roma senokwane ho tshwara se seng.
Ngola mahlalosonngwe a mabedi ho tswa seratswaneng mme o nto fana ka meelelo ya mantswe ao.
Noka nama ke a tsamaya, mme ke tla tshela Mohokare le Senqu ka yona ke ye kwana Maseru, Motimposo. Ke sa ilo bona mme, setsohatsana sa Modimo. Ho thwe o kula ha bohloko. Fatsheng leo lesele bohle ba tshwerwe ke mala ke nama ya kgomo e shweleng eo ba e jeleng. Ao! morwetsana ya motle, eo thopeya Basia.
Sebedisa mantswe ana noka le tshela ho bontsha meelelo e mmedi e fapaneng dipolelong tsa hao.
Ke ya kwana Maseru.
Ngololla polelo ena: Ao! Morwetsana ya motle, eo tshehlana ya Basia. Lokisa sebopeho sa lekgethi, o be o le sehelle mola.
Ba tshwerwe ke mala ke nama ya kgomo eo ba e jeleng. ke polelo e tswang seratswaneng.
E ngole o sebedisa lebotsi "Na".
Sehella leakaretsi mola.
Sebedisa leakaretsi la hao e le moetsi polelong e nngwe.
<fn>93011VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A, B, C.
Nomora dipotso ka nepo.
Fana ka mosebetsi o makgethe.
Ke a tshepa hore kaofela re hlokomela hore dithethefatsi di senya le ho bolaya ba di sebedisang. Re tshwanela le ho hopola hape hore tshenyo ha e felle mono. Ba phelang lephofuena ya dithethefatsi le bonabaameha ka tsela eo batho ba bang ba sa e nahaneng. Dithethefatsi tsena di bitswa ka mabitso ohle, "bococaine, Ecstasy, LSD, le ka boHeroin. "Mohlomong di mabitsomonate empa tsona di a bolaya ebile ha di na molemo."
Ha e mong wa baleloko e eba lehlatsipa la dithethefatsi, beng ka yena ba a mo tenehela, ba lahla tshepomme ba qetella ba se ba sena tabale yena ho hang. Ho bonolo ho lahla e mong wa leloko la hao ha a se a sa kgone ho phela ntle le dithethefatsi hoba le bona ba mehlolo hle; ba ya utswa, ba leshano, ba hlokafatsa batho ebile ba kenya batho ba bang tsietsing tseo ba sa tsebeng le hore na ba tla tswa jwang. Re lebala ntlha e le nngwe, ya hore le bona e ntse e le batho ba hlokang thuso le tshehetso jwaloka mang le mang. Mohlomong lebona kamoso, ba tla thusa batho ba bang, le hona ho sebedisana le basepolesa le setjhaba ho ba bontsha kotsi ya dithethefatsi le hona ho tshwarisa ba di rekisang.
Dingaka di dumela hore motho ya tsubang dithethefatsi o ka mo nyonya kapa hona ho mo hloela lefu, etswe ha di tsamaye di le ding thethefatsi tsena. Di ka tsamaisana le hore motho a senyehelwe kemosebetsi, di theola seriti hape le ba o potapotileng ha ba sa o tshepa, ebile ba a o kgesa.
Tlhekefetso ya maikutlo le tshenyo ya tjhelete e bakwang ke batho ba tsubang dithethefatsi ke etshabehang. Tshotleho, lehloyo, tshabo, kgalefole ho tlalellana, di a pakellana, e be hona ho etsa hore o se ratwe ka lapeng. Nakong eo ba lekang hore motho ya jwalo a thuswe le bona ba ntse ba hloka thuso ka ha ba amehile maikutlo ha bohloko. Ho na le dihlopha tsa thuso tse jwaloka "Nar-Aron" le Al-ano" tsonadi thusa malapaa utlwilengbohloko kabaka la horeemongwa leloko ke phofu ya dithethefatsi. Ba etsa sena ka kgopolo le tshepo ya hore ya batlelwang thuso o tla kgothala ha a bona ba mo thusang le bona ba batla thuso.
Ho qoba ho phetha tshebediso ya dithethefatsi, thuto e tshwanetse ho fuwa batho bohle mabapi le kotsi ya ho di sebedisa. Baetapele setjhabeng jwaloka baruti, mesuwe, dingaka le bona bomalomebaka thusa ho fetola bophelo ba motho ya ineheletseng. Haeba motho asa fetohe, bohle baithaopileng homo thusaba hopole dintlha tsena tse tharo:, o ka se laole tsela tsa motho hoba ha se wena ya entseng dithethefatsi mme o keke wa kgona ho fodisa motho ya ineheletseng. Thuso ya pele e tswa ho motho, ke hore botebong ba pelo ya hae. Tabataba ke ena, ha re ba feng lerato le tshehetso hle!
Ngola kotsi tse PEDI tse bakwang ke tshebediso ya dithethefatsi.
Hobanengho babonolo holahla kapa ho nyahlatsa motho ya tsubang dithethefatsi?
Ke thuso efe eo batho ba tsubangdithethefatsi ba e hlokang?
Hlalosa hore hobaneng o ka nyonya motho ya laolwang ke tshebediso ya dithethefatsi.
Ngola mefuta e MMEDIya tlhekefetso e bakwang ke diphofu tsadithethefatsiho ba malapa a bona.
Mefuta ena ya tlhekefetso e hlahella ka tsela tse jwang, ngola tse THARO.
Ngola dihlophatse PEDI tsa thuso tseoba leloko ba ka sebedisanang le tsona.
Ke ka mabaka afe mekgatlo ena e mmedi e ileng ya thehwa. Ngola a9mabedi.
Matsapa ao re ka a nkang re le setjhaba ho thusa ba sebedisang dithethefatsi ke afe?
Fana ka ntlha tse THARO tseo e leng sesupo sa hore motho o tsuba dithethefatsi.
Ha ho ne ho ena le motho ya tsubang kapa hona ho sebedisa dithethefatsi haeno, o ne o tla mo thusa jwang?
Ngola ditlamorao tse PEDI tse bakwang ke ho tsuba dithethefatsi.
Ngola mefuta e MMEDI ya dithethefatsi eo bana ba sekolo ba e tsubang.
Ke sefe se bohlokwa se tshwanelwang ho etswa haeba motho a tsebana le ba bang ba rekisang dithethefatsi, tshehetsa karabo ya hao.
Akaretsa seratswana se latelang ka dintlha tse supileng tsa bohlokwa. Mantswe ao o a sebesisitseng a se fete Ngola ka mokgwa wa seratswana mme o bontshe palo ya mantswe a sebedisitsweng qetellong ya seratswana.
Moshanyana e mong o ne a hlola a mametse letsatsi lohle manesekolong, haholo thutong e mona e bitswang "Biology" mme sehlopha sa haesebalakarolong ya dinoha. Titjhere ya be e le motho ya nehilweng ho hlalosa taba hantle, seo a se rutwang se be se bonwa ke barutwana ba hae."Dinoha tsa mofuta wa tlhware ha di lome ebile hadi na mahloko a fumanwang ho bomarabe. Ke nthohadi tse botenya ba sefate, tse bolelele ba maoto a ka bang mashome a mabedi ha di hodile. Diatisa ho fumanwa merung di ithatile difateng moo diphoofolo di fetang le teng ha di ya metsing. Phoofolo e iphetelang ka tlasa sefate e tshoha ntho e se e ithata ka yona, ebaee bjabjaretsa masapo, e ntanoe kwenya e ntse e le jwalo" Titjhere a qetellaabontshitse sehlopha sa hae setshwantshosekang sea phela sa tlhware e ahlame Dithutong tseding moshanyana o ne a reo mametse a tshoha ase abona setshwantsho sane sa tlhware. Le moo ho dutsweng lapeng ka phirimanepele ho uwa matlong, o ne a sa lebale thuto ya motsheare sekolong. Ha a robetse bosiu lapeng ke eo a lora a haola meruemetala ya naha ya Natala. Mooakgokgonang ka tlasa difate ha a re mahlo, a bona ntho a thatoloha butle sefateng e se e mo tonetse mahlo a sa panyeng, e bile e ntse e itatswatatswa. Ao, a hana ho bona ntho e mpe, moshanyana a di bona matswele ho eketsanaha pakeng tsa hae le sera. Ka ho tshaba makala a difate, a kgokgona ka tlasa se seng, le leng la ona la hana ka yena, Yare ha a hetla hape a fumana hore jwale ke yena kapa ke noha. A ithutla a ba a re fatshe po! ka dimpa. A be a se a le teng monga meru e metala. Moshemane a re kapelong, le kgale ka ho nalo, a be a se a e rahile ebile a hlabilemokgosi. Mme wee-ee a hweletsa a tshohile.A tsoha ka yona nako eo.
E tswa ho Meqoqo ya phirimana -J.G.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse itshetlehileng ho sona.
Lefatsheng le leng le leholo ho ne ho busa morena e mong ya bohale. Eitse katsatsi le leng ha a tshwanela ho etsa mokete wa letsatsi la hae la tswalo, a rera ho mema batho bohleba lefatshe la hae. E mong le e mong o ne a tshwanela ho fumana mokotlana o tletseng tjhelete. Naheng eo yohle, batho ba itokisetsa ho ya moketeng. E ne e le mafutsana, bakudi, bana ba lapileng, nka mpa ka re batho ba mefuta yohle.
Qolla lekgetholli ho tswa seratswaneng.
Sebedisa lekgetholli leno ho bopa polelo ya hao.
Qolla lekgethi ho tswa seratswaneng o be o hlalose hore ke la mofuta ofe.
Qolla polelo e nang le leamanyi o be o sehelle leamanyi leno mola.
Qolla lebitso le le leng le nyenyefaditsweng, o be o bope polelo e bongateng ka lebitso leo.
Qoholla lekopanyi, mme o le ngole.
Sebedisa lekopanyi leno polelong ya hao.
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso tse latelang: Naheng eo yohle, batho ba itokisetsa ho ya moketeng.
Isa polelo ho lekgathelefetile.
Ngola polelo ena e le ho sekaotlwaelo.
E ngole e le tatolong.
Qala poleloena hape, empa o sebedisa lebotsi Na.
Qolla lesupi mme o le sebedise polelong ya hao le sebetsa le lebitso ho matlafatsa polelo.
Lentswe lena "busa" le meelelo e mengata. Le sebedisa ho bopa polelo tse PEDI tse nang le meelelo e fapaneng.
Bala polelo ena A rera ho mema batho bohle ba lefatshe la hae.
E ngole hape o qale ka leakaretsi e le moetsi polelong.
Sebedisa leetsi mema ho bopa maetsi matso a latelang, o be o a sebedise dipoleleng tsa hao.
Ngola lelatodi la lentswe lena "morena" mme o le sebedise polelong eo e leng ya hao.
Bopa maele ka lentswe lena morena.
<fn>93012VMF2006.txt</fn>
Mahlohonolo mosebetsing wa hae wa ho ithuta a tswang ho ba habo ba falletseng.
O tlisitse lesedi la thuto ho batho ba habo. A hohela ba bang hore le bona ba batlethuto. A ngoladibuka.
Modumo "B" o phetaphetwa ha ngata moleng o le mong.
Tshwantshiso, Moleleki o tshwantshwa le Tau.
Ho tlisa lesedi la thuto bathong ho tshwana le ha o leleka lefifi.
Ke hore mosebetsi wa hae o makgethe wa ho bopa dintho ka nepo.
Bophelo le diketso tsa mehleng ya jwale di fapane hole le tsa mehlang ya kgale.
Leru le Lefubedu - T.W.D.
Ke ha manyesemane a ne a batla hore moedi pakeng tsa bona le Lesotho o fetolwe. Basotho bona ba ipelaetsa ka hore lefatshe la bona le a fokotseha le hore bahlokahotsamayakabolokolohi naheng ya bona.
Casalis Mathata a Moshweshwe abakilwe keho tsamaya haCasalis a kgutlelaha habo. A iphumana a setse a le mong a hloka moeletsi le motho ya mo thusang ho bala le ho ngolla ba direng.
Dingaka Dingaka di mo fetohetseka hadi tletleba ka setswalle sa hae le baruti ba nyatsang meetlo le mekgwa ya Basotho.
A lahlehetswe ke tshepo ka baka la ditumellano tsa morena le manyesemane le tlala le dintwa tse qetang setjhaba.
Ka ho mo mamela ha a bua.
Tjhe, O tsebile ho etsa ditherisano tsahohlasela manyesemane lebara ba Moshweshwe ntle le tumelo ya morena.
E ne e le moeletsi wa Moshweshwe ya ileng a boloka lekunutu la kopo ya kgotso ho mofumahadi. Ebile mongodi le mmadi wa melaetsa e pakengtsa Basotho le ba direng.
Di ne di se molaong di sa tlamelle.
Basotho ba ne ba sebedisa majwe, athe ba direng ba sebedisa dithunya.
Ha a na le Moshweshwe o mo eletsa ka hore a saene le boPretorius hore kgotso ebe teng naheng ya Lesotho, ha a na le manyesemane le boRapolasi o tshepisa ho buisana le Moshweshwe, o ba tshepisa naha.
Setjhaba se ne se tla ngongoreha se re o rekisa naha ya sona.
Ho hasa lentswe la modimo.
PADI POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Sebui se tswile kotsi tse mpe haholo ha se ne se wela selomong nakong eo se neng se ilo tsoma marabe.
Se batla hore bana ba hodiswe ba rutwa tsemolemo boleng ba bona. Ba hlomphe setso le melao ya sona.
Ba ne ba thusana ha ho na le mathata jwalo ka ha ba ile ba tswa letsholo ho ya batla Mafikeng dilomong. Ba na le tataiso kgodisong ya bana jwalo ka tsela eo ba rutangbana mesebetsi ya setso. Ha ba dumelle bana ba etsangdintho tse mpe pela batho ba baholo.
O lekile ho phethisa tshepiso ya hae. A kgothaletsa bana ho ya sekolong le ho ba tshehetsa ho phethisa kaloso ya mehlape. Feela a hlolwa ke Kgama ya ileng a inkela tsela ya hae, ha Theko yena a ile a mamela molao.
Thuto O ne a e nyatsa ka baka la mekgwa eo barutehi ba itshwereng ka yona ba sa mamele le ho hlompha melao ya setso.
Setso O nea kgolwa hore se ruta banna boitshwaro, tlhomphole boikarabelo.
Banana O ne a re banana ba tshwanetse ho rutwa mesebetsi ya lelapa e seng ho kengwa sekolo.
Mafikeng o tswile kotsi e ileng ya mmolaya ka baka la meharo ya ho ya tsoma marabe tulong e kotsi hore a tle arekise mafura a yona a nto fumanakgomo.
Mofu o ne a apeswa letlalo la kgomo e mo felehetsang ha ba kajeno ba kengwa mabokoseng / makaseng.
O tshwariswa peo le dibetsa tseo a tlang ho di sebedisa moo a yang teng.
Maikutlo a hae a ne a ferekane ke taba ya hore Theko a bolotswe. Sena sa etsa hore thaka tsa hae di mo kgetholle. A tepella a hloka tjheseho ya sekolo.
Sentebaleng. Diketso le boitshwaro ba Sentebeleng ha se tse lebalehang ha bonolo ho ba kopaneng le yena. Ketso tsa haedi latela lebitso lahae.
Dibakiso O bakisa bohle ba kgahlanongle yena. Ha a fetohele maikemisetsoa hae a ho ratana le Kgama le ha banana le baahi ba Mohlakeng ba leka ho mo kgelosa le ho mo nyahamisa.
Ba kgothaletsa bana ho tlohela meetlo le mekgwa ya bophelo ba Basotho.
Ba lekileho buisana le Kgamajwalo ka batswadi, ba mmontshabohlokwa ba thuto le ho mo kgothaletsa ho tlohela masawana a marato.
Diaparo tsa Sentebaleng tse neng di nyatseha setjhabeng ke tse dumelletsweng matsatsing a kajeno. Di tlisa mathata a boitshwaro bo bobe le ho betwa ha banana.
Ho ratanale bontateketlwaeloho bana bakajeno. Sena se tlesitse boitshwaro bo hlephileng, bo hlokang tlhompho, ho rekisa mmele le tse ding tse ngata. Ba thuba malapa.
Ho ba ruta ditaba tsa setso tsa setjhaba sa Basotho.
Ho ba ruta ho mamedisa ka tsebe tse lethwethwe.
Ho tlosa bodutu le ho bopa setswalle.
Ho shwa pelo.
Ho fela seolo.
(a)Ditswejane -ke banana ha ba sa le mophatong.
Mathisa -ke banana ba sa bollang.
Bale - ke banana ha ba kgutla mophatong ba tenne dibeto ba le letsoku.
Ho kobisa ba nyefolang meetlo ya Sesotho.
Ho botsa ho hong ka tsela ya pherekanyo. Se hlalosang sepatilweng kapa se potetseng. 4.
Tshilo, ha mosadi a sila.
Phate le lehodimo le lefatshe.
POTSO 5 Pelong ya ka - S.M.
Ke ho tlwaela ntho e itseng.
Monnamoholo o bontsha lerato le matla ho mofumahadi wa hae ka ho rorisa botle ba hae botjheng ba bona. Le ho re hlahisetsa boitshwaro ba hae ba ho sokodisa bahlankana banengbamo fereha. Tsena di tsosalebonyo le matla le kgotsofalo ho mofumahadi wa hae.
Ke ha a qoqa ka metswalle ya bona e seng e ile boyabatho.
Ke hobane ya setseng o ba mahlomoleng a ho hopola ya fetileng. O tla hloka ya mojarisang mathata le ho mo qoqisa.
Banyalani ba hloka mamello, lerato le tlhompho. Ha ba tshepane. Ba bang ba nyalwa ka morero wa ho phela ha monate. Jwale ha tsena di sa phethahala ba a hlalana.
Ho ba fa lerato, tlhokomelo le mamello bofokoding ba bona ba boqheku. -Ho ba thusa ho phetha tseo ba sa kgonengho di etsa. -Ho ba hlokomela ha ba kula le ha ba hloka tse itseng.
O kgona ho itlhahloba o lekole metsamao ya hao. O bona bofokodi ba hao le diphoso tseo o di entseng bophelong. O mamela letswalo la hao o bone moo o kgelohileng teng. O be haufi le Mmopi wa hao.
Ke seipone hobane o kgona ho bona tse etsahalang ho lona jwalo ka meferefere. Ha ho se kgotso le wena ha o thabe. Tsena di etsa hore o itekole o batle kgotso pelong ya hao.
Ke ho ba mong a lokisetse moya wa hae leeto leo a le lebileng.
Ho mo fa lerato le tlhokomelo e tla etsa hore a phomole ka ntle le ho ngongoreha. Ho bebofatsa mahloko a mo tshwereng.
Kgotso ya nnete e pelong ya motho mme eo a ke keng a e fumana ha a sa tsebe bodutu.
<fn>93012VMS2007.txt</fn>
Ho kgutsufatsa mola.
ke ho phatswa o etswe ditlhaka.
ba kene ka setotswana ho tsa thuto.
Tshotleho. Ha o sa ithuti o ka ba kotsing ya ho hloleha ho iketsetsa.
mofutsana haaatise ho ba mpanaphatloha. O haellwa ke dijo / kgora.
O lahlehetswe ke seo o neng o setshepile.
Thuso o e fumana bathong ba bang /batho ba phedisana.
Ho ja haholo.
Motho ya hlophehileng.
Sejura / kgefutso.
Maobanehone ho le monate; re kgora. Kajenobaneng ba re thusa ba ile, ke tlala feela.
A toboketsa moelelo.
Leru le Lefubedu - T.W.D.
Batho ba kgutse.
Ha batho kaofela ba dula faatshe.
O ile a ba tshepisa ho ba tlisetsa kgotso ka tsela e sa hlokeng ntwa. Sena se ile sa phethahala ha Lesotho le fumana tshireletso ya Borithane.
Makwanyane le bara baMorena ba ile ba tshwara dikopano le setjhaba ba rera ho tlosa morena setulong.
Ba kgothaletsa setjhaba ho futuhela Maburu.
Bane se ba sa mamele morena.
Ba ne ba tla lahlehelwa ke taolo ya lefatshe la bona. E be makgoba a melao ya manyesemane. Ba hloke bolokolohi naheng ya bona. Tse pedi feela.
Phetoho ya moedi eka tlisa qaka hoBasotho hobane nahayabona e a fokotseha. Ba tla hloka bolokolohi ba ho itsamaela feela ka ntle ho mangolo le makgulo le masimo a bona a tla nkuwa, mehlape ya bona e bolawe ke tlala.
Moetapele / Molwantshuwa Ke Moshweshwe. Ke yena ya tobaneng le qaka ehlokang tharollo. O emetse setjhaba sa Basotho. Tsena tsohle di itshetlehile hodima dipuo le diketso tsa hae. O lwanela kgotso, naha ya hae.
Mohanyetsi. Ke Manyesemane le Maburu. Ho fihla ha bona ka Lesotho hotlisitse mathata. Boteng ba bona bo kgahlanong le tsela eo Basotho ba neng ba iphelela ka yona. Ba batla naha, leruo le hore Basotho bafetohe tumelong ya bona.
Kopano ke matla. Borithane le Basotho ba tla thusana ha ba lwantshana le Maburu. Borithane etla beha melao eonaha e tlang ho tsamaiswa ka yona. Boshodu bo tla eketseha. Ba nkelwa naha.
E ne e le moetapele wa Maburu.
Dikgaruru di ile tsa fokotseha.
Ho bile le kgutso le kgotso. Basotho ba kgona ho lema tlala ya feela. Basotho ba tshela Mohokare ka mangolo. Baruti badula ka tokoloho. Diqeto tsohle tsa ngolwa faatshe.
Ho se ntwa.
PADI POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
E bontshitse hore ke ngwana ya sebete ya hlokang tshabo e bile a na le phehello ya ho fumana seo ase batlang.
Ke ho fumana Kgama harehare kgohlong e tshabehang a le mong. Le ho bona marabe ao a a bolaileng ka matsoho a hae.
O ne a bona e le yena ya rutileng bana ho ya kgohlong ka ha e ne e le tlwaelo ya hae ho ya teng.
Ke ho disa, leho tsoma.
Dikgohlo tse dikotikoti tse mpehadi.
Tjheseho ya Mafikeng ya ho fumana kgomo e nngweentlee mo susumeleditse ho ya tsoma marabe a mang. Ka bomadimabe a wela kgohlong a tswa kotsi e mpe e ileng ya ba ya mmolaya.
E ne e le bana ba motho.
Mesebetsing ya setso o bontshitse sebete le thahasello e matla ya ho disa mehlape ka lerato. Ha dithutong tsa sekolo a ile a hlahella boemong bo phahameng ho feta bohle a ba a fumana thoriso ho tswa homesuwe.
Dithaka tsa hae dine di momonela ha a ratana le Dibakiso Batho ba motse le bona ba ne ba bona a ikgantsha ka tsa thuto. Mmampholwane o ne a sa rate ba habo.
Tjhe. O ile a kgeloha metsamaong; a kgahlwa ke Sentebaleng ya ileng a mo ruta boitshwaro bo bobe, a qetella a tswile sekolong.
O kgutlile a se a hloka tjheseho ya meqoqo ya naheng. -A fetohetse dijo tseo a hotseng ka tsona a batla diahammele -A sa hlomphe batho ba baholo asatsotellele ha ba ka mmona a eme le ngwanana. -O ne a se a sa etse mesebetsi ya hae, a dula a bala dibuka.
Ke Theko. O ile a ya lebollong a kgutla a phetse a bile a na le boikarabelo.
O ile a kgakgathwa ke bahlankana ba Sentebeleng a tswa kotsi tse mpe. O hlolehile ho qetadithuto tsa hae. Ba habo ba hloka tshepo ho yena.
Ditshomo ka batho le dibopuwa tse ding tsa mehlolo.
Ba ne ba rutwa boitshwaro le tlhompho. -Ba rutwa mamello mathateng. -Ba rutwa bokgeleke pineng le puong.
Moeto: Mohwete letlalong la ngwana/ Kgole kapa tshwele e entsweng ka mosifa wa kgomo.
Mofobe: Monna ya nyetseng ngwanabo mosadi wa hao.
Paladithwane: Motho ya llang ka mahlaba hohle mmeleng ka nakotsohle.
Lefohla: Phoofolo e tshehadi e sa tswaleng.
Dihlabosang: Dijo tse monate, masutsa.
Ke ho bebofatsa mosebetsi o boima.
Ho fana ka morethetho o itseng wa ho sebetsa mmoho ka nako e le nngwe.
O binwa ke banna Ha ho uwantweng ba itokisetsa ho futuha le haba kgutla ntweng Sepheo ke ho hakatsa bahlabani le ho tshosa ba direng.
POTSO 5 Pelong ya ka - S.M.
ke motswalle ya tshepahalang ya kgonang ho tshwara makunutu. -motswalle ya o kgothatsang ha o le mathateng. -motswalle ya tla o thusa ha o hloka. (motshwai a nke tseding tse utlwahalang).
Ba ka o senyetsa bokamoso ba orutamekgwae loketsengbatho babaholo. O be o se o kgahlwa ke metsamao ya bona o lebala ka tsa bongwana.
Ke Modimo/Mmopi. Hobane yena ha a kgetholle, o matla, o o jarela mefokolo.
Lere ke seikokotlelosethusangmotho ha a na le bothata ba ho tsamaya.
Ho tshehetsa motho ha a fokola.
Ha o imelwa ke mathata. -Ha o seilwe ke ba heno. -Ha o kula le ha o sotleha.
Hobane tseo o neng o di tlwaetse o tshwanela ho di fetola o ithute tse ntjha.
Morutwana o kgona ho etsa mosebetsi ka nako ya hae, a ikemetse, a ikgannale ho ikgethela mosebetsi wa hae wa matshwao a hodimo.Le dikarabo tse ding tsa morutwana.
Batswadi ba hae. Tse tharo feela.
Moo a leng tengha ho na lerata le tshwanang le mooa sebetsang teng.
<fn>93012VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse hlano, e leng A, B, C, D le E.
Araba dipotso tse PEDI feela ho tswa dibukeng tse PEDI tseo o ithutileng tsona.
Nomora dipotso tsa hao ka nepo.
Ngola ka makgethe le ka Sesotho se hlwahlwa.
Mothwana sekwallwa ka hare, Hole botebong ba maikutlo, Ngwana, letlalepepilwe, O ithorisa o re: Nna ke nna.
Wa re senyetsa botho ba rona, Wa bo medisa ditshiba, Kajeno bohle ba tseba Ho re: Nna ke nna.
O ngangetse ke kgang e kaana, O iteta o re wena ke wena, Dikeletso o di fa anathema; Manganga a ja monga ona.
A ko re qaqa ka seo sethothokisi se se rokang temeng ya pele. Tshehetsa karabo ya hao ka mabaka.
Bontsha ka moo lentswe lena letlalepepilwe le amanangle botho ba motho.
Qolla mola moo ho sebedisitsweng letswelli. Hobanengseroki se sebedisitse mokgabiso oo?
Qolla mantswe a bontshang horehosemamele ho ka kenya motho tsietsing.
Thothokiso ena e fana ka thuto efe bophelong ba motho?
Ho ya ka taba tsa thothokiso nahoitseba ke ntho e ntle. Fana ka mabaka a MARARO.
Hobaneng ha seroki se sebedisitse mothwana moleng wa pele sebakeng sa ho sebedisa motho. Hlalosa o ikamahantse le thothokiso.
Hang kapa habedi o ka hloka kotulo, Feela, itekele, itekele hape. Mamello e tla o tswalla katleho, Itekele, itekele hape. Tshotleho ha seditlhong le manyofonyofo, Le holane lebelo re sa ikgapele, Maemong ana, o itlama kang na Itekele, itekele hape?
Thomo e letlapahadi, mohloka ho thetwa, Itekele, itekele hape, Nako e tla o atametsa moqhakeng, Itekele, itekele hape. Tseo bongata bo ntseng bo di phetha, Ho di phetha wena o ka sitwa keng Ka mamello le tshepo, boloka taelo: Itekele, itekele hape?
Maikutlo a jerweng ke thothokiso ee ke a mofuta ofe?
Sepheo sa ho sebedisa lebotsi moleng wa 14 ke sefe?
Thothokiso ena e fana ka molaetsa ofe?
Qoqa ka mekgabiso eo sethothokisi se e sebedisitseng meleng ya thothokiso ena. Qolla mekgabiso e MMEDI feela.
TSHWANTSHISO POTSO 2 Leru le Lefubedu - T.W.D.
Moshweshwe : Ponelopele hase ntho e hlahelang ho batho bohle ka ho tshwana. Torong ya ka kebone tau e teetswe hare kemangau. A e hlepholaka ka mathoko e lwana sa lehlanya ka tseba hang hore mamena a ntse a tjhekwa ka hohle moo ke hatangteng.
Moshweshwe : Boipelaetso ba bona le nna bo a mpelaetsa. Ke ka lebaka lefe ba sa mpitsang ho tla arabela dipotso tsa bona. Haeka nahae arohana tjeee se e le nyenyane tjee. Naha ya Mokgatjhane e tla fella kae, banna.
Makwanyane : Ke utlwa hape hore le Tseleko o iphile dimenyane. O re yena a ke ke a dulela kgotso eo a sa e boneng.
Moshweshwe : Ebe jwale ke tla sala le mang ha ngwana wa ho fela le yena a ntshiya ke le mong tjee Casalis o ile, bana ba phasaphasitse le naha. Badimo ba ntebetse..?
Makwanyane : Ee, morena, le boraditaola ba tletleba ka lerato leo o nang le lona ho baruti morena ke a o kopa, kgutla, batho bana ke dinoha. Kgutlela setjhabeng hape morena. Lemulwana lena le sa kgotsofalang la marenana le se tshohane le re etsetsa moferefere.
Maikutlo a jerweng ke puisano pakeng tsa bathobana ba babedi ke ajwang?
Mokotaba wa tshwantshisoena ke ofe?
Setjhaba se qosa morenakaho etsa tumellano le Pitorease. Tumellano ena ke ya eng?
Fana ka bohlokwa ba puisano ditabengtse ka hodimo.
Moshweshwe : Deli! Deli! Kgele o se o hodile hakaakang. Ntatao o kae, o tla tla?
Adele : Tjhe, morena o rometse monna heso Mabille ho tla hasa efankgedi Lesotho.
Moshweshwe : Ka ba ka ikutlwa ke le mahlahahlaha.
Pelo ya ka ya ba ya boela madulong. Ha ke o bona Deli, ke hopola ntatao ya neng a nthusa ka mehla. Kgele! Nako di a potlaka, maemo a a fetoha.
Moshweshwe o a dula, ebile a phomosetswa ka tee.
Moshweshwe : Ke tlile tjena ho tla utlwa melaetsa ya ka.
Mabille : Ke melaetsa efe, morena?
Mabille le Adele ba bontsha thabo ha Moshweshwe a ba etetse. Se ba thabisang ke sefe?
Morijakemotse o ho kae O tumme ka eng?
Ke dife diphetoho tse tlisitsweng ke Bokreste Lesotho?
Kgama ha a fihla habo a fumana mmae a le ka mokgorong, a besitse mollo wa disu tsa mapharwa, a ntsea qetela ho nepola hlama.
Hao, mme, Dipuo ha a eso fihle?
Ke a kgolwao potile le ha rangwanao; ke itse habaqhalana a tle a pote le teng, a ntlele le nkgo. Yaba o bokella hlama ka letsoho hodima sethebe, ha a qeta a tswela pele ho nepola.
Nna ke tswa imamella dipina. Hee, boDipuo ba bina ha monate, mme!
Ngwana ka, ho fihla moo ba ntshosang! Mohla mokete wa maoba re ne be re se batho. Le jwale ke tiile, ke re ha feela ba ntse ba bina pina ena - hana ho thwe ke mang na, basadi - Mohla ho shwelengMorenaMolapo, batho batla lla mehlaena!" A tholathola motsotsoo mokgutswanyane, a nto re, "Ha ke mametse pina ena, pelo ya ka e a thulama; ke hopola mofu ntatao. Empa ha ho ntse ho eyae a ntshedisa, mme e ntlatsa morolo le kgothalo.?
Ba sa buisana jwana, Dipuo a fihla a rwetse nkgo ya letsopa; a e rola, a kena, a e beha motsheo.
Mesebetsi le ditlwaelo tsa batho bana di re bontsha nako le mokgwa wa bophelo bo phelwang tikolohong ena. Hlalosa ka botlalo.
Ebe Dipuoo ile a latela mokgwa wa kgodiso eo ntataeMafikeng a neng a batla hore a hodiswe ka yona Tshehetsa ka mehlala e tswang bukeng?
Tsela ya ho phela ya Mmakgama e batla e le boima e sale Kgama a e ya sekolong se phahameng. Re hlalosetse tsela eo ba fumanang tjhelete ka yona.
Qoqa hakgutswanyane ka se bakileng lefu la ntata Kgama.
Qoqa o hlalose phapang ya botho e neng e bonahala pakeng tsa Mofifi le Mafikeng.
Dipina tseo boDipuo ba neng ba di bina di ne di bitswang Bolelahore di binwa ka nako efe ya selemo?
Kgama ke motho ya neng a rata dijo tsa setso. Ebe ketso ee e ile ya tswela pele bophelong ba hae Hlalosa?
Nakong eo ba laetsaneng, Dibakiso le yena a bona ho seho ena le phetohonyana e makamakatsang, eo a e elellwang ho Kgama. Le haeomohlankana wa hae a ne a ntseabua ka lerato, empa o ne a se a bonahala a lahlile mekgwa ya hae ya pele. O ne a mmona a se a ena le ho se tsotelle ha bathobabaholo ba ka ba bona ba eme mmoho. Le habaakanao ne a bona Kgamaaseaena le homo phopholetsaka ka mokgwanyana o hlokangboitlhompho, a mo mathisaka matshoho ka mokokotlong, ho ya tlaase! O ne a bile a mo sutela le leleme ka hanong ha a ntse a etsa dintho tsena tsa hae tse makatsang! Tjhe, le ha ho le jwalo, a shebahala eka o mo utlwile ha a mo kgalemella mekgwanyana ena e hlabisang dihlong.
Sekolo sa Phatlatshweu se bile le seabo se seholo bophelong ba Kgama. Tiisa taba ena.
Bolela phapang ya botho pakeng tsa Dibakiso le Sentebaleng.
Pheletso ya Kgamale Sentebaleng ebile efe?
Sehlohlolo sa pale ena se fihlellwa ketsahalong efe?
Thuto eo re e fumanang ka boitshwaro ba Sentebeleng ke efe?
Bitla la motho ya marumo, seboku.
A mo apese ka mapheo, manong.
Pina e ka hodimo ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Hlalosa tsela eo e binwang ka yona.
Sepheo sa ho bina pina ena ke sefe?
Malefetsane e motshwana, Lethisa, Kgaitsedi ya Sebina leMpinane, Pakeng tsa Senqu le Senqunyane A fumana basadi ba batswetse ba kgiba; Ho le bale, ho le ditswejane, Ho le mathisa, ho le maqhekwana; Masea a bona a dutse a lla, A lla sa mmokotsane sello, A lla maleme a a lepeleditse. A tlalwa ke pelo ngwana boMpinane, A tlalwa ke pelo a seka meokgo. A itahlela ka hara ditswejane, A itahlela a sa itheka morwalo. Ba phasaphasa ba lebetse masea; A tsamaya a ewa maqhekwana, A ba a thuswa ke moeti a eta! Hoja e se be wena, motho wa ditsela, Meloko e tlang e ne e tla bolela!
Dithoko tsena ke tsa mofuta ofe?
Molaetsa wa thoko ena ke eng?
Thuto e fuperweng ke maele a latelang ke efe?
Qetella dipolelo tsena ka ho kenya lentswe le nepahetseng dikgeong tse seilweng.
Phofo ya poone e hadikilweng e bitswa...
Fana ka mesebetsi e MMEDI ya difela.
MOQOQO POTSO 5 Pelong ya ka - S.M.
Bala diqotso tse latelang o nto araba dipotso tse di hlahlamang.
Maoba mona ke ne ke nahana taba e kgolo e ileng ya ba ya ntshehisa ke le mong. Ke ne ke tshwere tjhelete e hlileng e leng ngata haholo, ke e kenya mokotleng. Ha ke qeta ka tswela seterateng ka itsamaela. Ke a kgolwa ho ba ntjhebileng ke ne ke ntse ke itshwanela le motho e mong leemongya fetang. Ba ne ba sa tsebe hore ke jere makgolo a mararo a diranta- ke ho re mashome a supileng a metso e mehlano a dikgomo - mokotlaneng wa ka.
Moqoqo oo ke wa mofuta ofe Hobaneng o tjho jwalo?
Phapang ke efe pakeng tsa moqoqo le palekgutshwe.
Ho ya ka ditaba tsee, bothata e kaba bofe ha banka ekaamohela diphoofolo. Fana ka dintlha tse THARO feela.
Matsatsing ana tjhelete e emelang?
Ebe tjhelete e tlisa kgotso bathong Hlalosa?
Bolela molemo wa ho boloka leruo la hao bankeng ho na le ho e boloka merakeng.
Ke kgale, ngwaneso. Ha dilemo di ntse di eya kafumana hlahlobo tseding. Empa jwale ka boela ka fumana ho hong ho hotjha Letswalo. Keletswalo la horemohlomong o ka nna wa hloleha mosebetsing oo, haholo ha o ikutlwa hore o a fokola mosebetsing wa hao - mme ke mang ya ikgohomosang hoo a benga ikutlwe hore yena wa haemosebetsio ao tseba Leha eba o a o tsebatseba, o qala ho ipotsa dipotso...ekaba o tla pasa ka moo a lakatsang ka teng?
Ha letswalo le finyella hantle ho rona, ngwaneso, ke hona re qalang ho ikutlwa bofokodi ba rona hantle, ke hona re elellwang hore ha re na matla mme re hloka thuso.
Papadi ke e nngwe tsela e bohlokwa ya ho ruta bana. Tiisa se bolelwang ke polelo ena.
Ebe tshebediso ya tlhahlobo ya makgaolakgang hobontsha katleho ya morutwana e nepahetse Hlahisa maikutlo a hao?
Letswalo leo mongodi a buang ka lona wena o le fedisa jwang?
<fn>93012VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse hlano, e leng A, B, C, D le E.
Araba dipotso tse PEDI feela ho tswa dibukeng tse PEDI tseo o ithutileng tsona.
Ngola ka makgethe le ka Sesotho se hlwahlwa.
Thuto e be kwakwa ya ho hapa sera.
Sethothokisi se kgothaletsa ya rokwang hore a amohele mahlohonolo. Ke mahlohonolo a eng?
Moleleki o hlaloswa e le mosebeletsi wa setjhaba. Tshehetsa polelo ena ka tse PEDI feela tseo a di entseng.
Qolla poeletsamodumo e moleng wa bone.
Bolela sekopuo se sebedisitsweng moleng wa 8.
Ho bolelwang ka ba thari e ntsho?
Hlalosa se bolelwang moleng wa bosupa.
Moleng wa 11 ho sebedisitswe tlohelo. Qolla lentswe leo mme o le qetelle.
Fana ka nomoro ya mola moo honang le mekgabisoe latelang.
Phetapheto ya mantswe.
Kajeno ke kajeno Enwa mmopi o letsoho bo! Tsa hae dintho o di hlophisitse, Karohanyo ya bosiu le motsheare Ke ha e tswala phetoho ya nako; E taolong ya hae nako, o a e kganna, Ha e kgutlele morao, e ya pele, Ha e kgelohe ka thato ya motho, Kajeno ke kajeno, ha se maobane, Ha se maoba, isao kapa ngwahola, Kajeno ke kajeno.
Sethothokisi se bolelang ha se re Mmopi o letshoho?
Bolela mokgabiso o moleng wa boraro.
Tatellano ya mantswe moleng wa bohlano ha se e tlwaelehileng. Na mokgabiso ona o bitswang Kgetha e nepahetseng?
Fana ka lebitso la mokgabiso o moleng wa borobedi.
Bolela lebitso la phetapheto e moleng wa 10.
Ka mantswe a hao akaretsa molaetsa wa Thothokiso ena.
"Ngwahola" e bolela eng?
TSHWANTSHISO POTSO 2 Leru le Lefubedu - T.W.D.
Makwanyane : Tsie lala! Tsie lala bana ba Thesele! Re kopa kgutso morena Moshweshwe ha a adingwe ditsebe...
Moshweshwe : Setjhaba sa Mokgatjhabe, bana ba thari e ntsho, bana ba kgotso. E se e le nako jwale ke ngongorehile, empa ke bua ke thabile hore nka qalella ho robala ha monate. Ka dinako tsa mahlonoko ke ne ketshwenyehile moyeng ke tlallane, ke ne ke lala ke shebile bosiu bohle, ke sa bo hlothe. Jwale re phekotse ntwa, ho busa kgotso, ho busa nala.
Hlalosa tsela eo Moshweshwe a ileng a phekola ntwa eo ho buuwang ka yona qotsong e ka hodimo.
Mohlodi wa diqabang pakeng tsa Basotho le Manyesemane e ne e le ofe Fana ka mabaka a MABEDI?
Fana ka mathata a neng a baka hore Moshweshwe a dule a ngongorehile moyeng. Itshetlehe hodima batho ba latelang. Casalis, Marenana, Majara le dingaka.
Na Makwanyane o ne a na le botshepehi ho Moshweshwe Fana ka lebaka?
Moshweshwe Casalis : : Moruti, ha esale e le rona Basotho ntwa re sa e rate. Re dutse monaLesotho ka kgotso ho se ntwa tse mpe hakaalo. Re ke ke ra dula feela re lebella ha kgotso e senyeha. Ke tlisitswe ke yona kgotso eo. Ho ka ba jwang ha o ka saena le Maburu. Ke bona ho ka ba molemo ha o ne o ka ba tlamella ho dula kgotsong e le hore ba se ke ba o hlola. Batho bano ba na le dibetsa tse bohale jwalo ka ha o se o bone dintwengtse fetileng. Ke kopa hore o ithapele morena o mpe o saene le Pretorius ntwa e fele.
Bolela karolo e bapetsweng ke Casalis ho tlisetsa Basotho kgotso, tse tshehetsang polelo ena.
Lebakabaka le neng leetsa hore ditumellano pakeng tsa Basotho leMaburu di se ke tsa ananelwa ke lefe?
Se neng se etsa hore Basotha ba hlolwe habonolo ke Maburu dintweng ke sefe?
Casalis ke mao le ntlha di pedi. Ananela polelo ena.
Fana ka lebaka le neng le etsa hore Moshweshwe a se dumele hokolobetswa.
Moshweshwe ke motho ya sa rateng ntwa. Fana ka ntlha tse PEDI tse bukeng, tse tshehetsang mohopolo ona.
Mosebetsi wa Casalis e ne e le eng?
PADI POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Ba utlwa a re, "Mofifi, ke saletswe ke matla a fokolang a lekaneng hore ke o jwetse ntho di se kae feela;kahona o mmamedisise. Ke o siya kalosong ya lelapa lena labo rona. O sale o hodisetsa Kgama le Theko tseleng eo nna le wena re e boneng e le molemo. Boleng ba rona bo a babatseha, mme bo ka ba toma le ho feta ha re ka ra bo noka ka bohlalefi ba thuto ya sekolo. Empa jwale bohlalefi ba thuto ha se ka mehla bo re fuparetseng tse ntle feela. Bo phuthetse esita le tse mpe, ho latela semelo sa boleng ba rona. Ka hona o se kgathale matla ho tebisa metso yabona nthongtsa boleng, haba ntse ba tswelapele ka tsabohlalefi. Ba rute hore ba hlwaye tse ntle ka hara tse mpe tsa Mohlakeng" Yaba o kgathala matla, o fellwa ke mokokawahotswela pele.
Mafikeng o maemong a fokolang, ha a na tshepo ya hore o tla kgona ho hodisa bana ba hae. Hlalosa hore sena se bakilwe ke eng?
Ke dife tsela tse pedi tsa boikarabelo tseo sebui se neng se rata horebana ba hole ka tsona?
Baahi ba Mohlakeng ba neba ratana mme ba tshehetsanahaholo. Hlahisa mabaka a MABEDI a bontshang sena.
Ebe Mofifi o ile a atleha ho hodisa Kgama le Theko ka tsela eo moholwane wa hae a neng a lakaditse ka yona Hlalosa ka botlalo?
Bontsha maikutlo a Mafikeng malebana le tse latelang.
Meharo e ka kenya motho tsietsing. Hlalosa polelo ena o itshetlehile hodima ditaba tsa Mafikeng.
Mosuwe Paolosi a mo atamela ka tselaebontshang lerato labotswadi. A buisana le yenahalelele kadineho tsa mefutafuta tseo a nang le tsona thutong ka kakaretso; a mo kgothaletsa ho sebetsa ka thata le ho lebala ka dintho tsa masawana. Yaba o mo teela mohlala ka Dibakiso, a re ke bo bong ba masawana a mo sitisang ho sebetsa hantle sekolong. Le teng a ya lolololo tabeng ena mme a sa phetse ho re a lebale ka ngwanana enwa.
Bolela se neng se baka hore Kgama a sebetse hampe dithutong tsa hae.
Matitjhere aSanta Peterose a bontsha kgahlamelo e matlayabokresete. Fana ka ketso tse PEDI ho tshehetsa polelo ena.
Bontsha tsela eo mesuwe ya Santa Peterose e bontshitseng tshehetso ho Kgama dithutong tsa hae ha a ne a le mathateng.
Hlahisa mathata ao re shebaneng le ona kajeno a bakilweng ke ho nyatsa mekgwa le meetlo yakgale. Tshetleha karabo ya hao hodima meaparo le boitshwaro baSentebaleng. Fana ka ntlha tse PEDIfeela.
Tshomo di etswa neng ke bo mang?
Bolela mesebetsi e meraro feela ya ditshomobaneng.
Lebahanya maele a ho A le ditlhaloso tse ho B.
Kotlo sa monna ke leralla. (a) Banna ha ba ntsha metsi ba furalla feela.
Motshehafuma o a ipiletsa (b) O seke wa tsheha motho ha a le tsietsing hobane ka moso e ka nna ya ba wena.
Kgomo, boela hae o hodile. (c) Ngwana ya hodisitsweng hantle ke ya thabelang ho rongwa.
Matlo a matle diotlwana (d) Ho kgothaletswa metswalle ya kgale ho boelana.
Mafura a ngwana ke ho rongwa (e) Batho ka nako e nngwe ba bonahala ba le batle ka ntle athe ka hare ha ba a loka.
Ngola maelana a hlaloswang ke dipolelo tse latelang.
Ho sebetsa ka matla.
Fana ka molaetsa o le mong feela, o atisang ho ba teng dithokong tsa makolwane.
Lebitso lena: Selotho le bolelang?
Fana ka ditlhaloso tsa dilotho tse latelang.
Kgele, ka batla ke wela!
Phate di a lekana.
Ohotitjhere, ka nnete ngwana ka o se ke wa bonaha re se re le tjena, re ne re le batho matsatsing a rona. Re ne rele bahlankana le barwetsana ba phelang. Enwa mmaoo seke wa bona ha a le tjena, e ne e le thope e tshehlana, eo bahlankana ba neng ba sa ipatle ke yona. Le mohla ke ilo mo ferehametswalle e meng ya ka e ne e re ke mpa ke ilo itshenyetsa nako feela, ke tla mo reng motho ya seng a terebehile ke ho nna a ferehuwa mehla ena ke bahlankana!(Mona mosadimoholo a bososela.) Le ha a bososela tjena ho ne ho le jwalo matsatsing ano. Tjhee, re be re phehisane ka nnete, titjhere, ho bile ho le bahlankana ba bang bao re neng re hotse kaofela.
Ho terebeha ho bolela eng?
Lerato la monnamoholo homofumahadi wa hae ke le matla. Tiisa taba enao itshetlehile moqoqong ona.
Ke sefe se tlisang tlhonamo ho ntatemoholo moqoqong ona wa hae?
Ke hobaneng hamohopolowa karohanoo tliswang ke lefu o se monate ho maqheku ana?
Ebe ke dintho difetseTHAROtsa bohlokwa tse ka thabisang maqheku a rona?
Ke eng enaeo batho ba bangata baphelang hantle ba e tshabang, esita le ba kulang hanyenyane feela Ke eng ena e kang e hohela ba kulang haholo, mmeleng le moyeng E, hoba le ba kulang moyeng haba rate ho tshwenngwa, ba rata ho itulela ba le bang feela, ba rata bonnotshing, felleng?
Bolela mabaka a MABEDI a etsang hore motho ya kulang hanyane a tshabe ho robala.
Ke hobaneng hao tshwenyehile maikutlongo hloka ho ba boinotshing Hlalosa ha kgutshwanyana ho ya ka maikutlo a mongodi. Fana ka tse THARO?
Ke hobaneng hamongodi a re lefatshe ke seipone?
Fana ka lebaka le etsang hore motho ya makgatheng a lefu a hloke kgutso.
Ke dife dintho tsa bohlokwa tse PEDI tseo o ka di etsetsang motho ya kulelang lefu?
Mongodi o re kgotso ya motho ya nnete e ho kae?
<fn>93013VMF2006.txt</fn>
15 di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang.
12 di a hohela, di tsamaelana le sehlooho lebongodi bo kgabane.
09 di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang.
06 ho boima ho latela dintlha ka botlalo.
15 Puo e mathemalodi ebile e na le mekgabisopuo.
12 Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo.
09 Puo e nang le diphoso empae baleha.
06 Puo e tletseng diphoso empa e baleha.
0 Di a fokola, ho boima ho latela dintlha.
6: Di nyalana le sehlooho, di matla ebile di a hohela.
2: Di a baleha.
0: O lahlile tlhase ya sehlooho, ho boima ho utlwisisa hore o bua ka eng.
5: Puo e matla e se nang diphoso.
Memo e mabapi le eng?
<fn>93013VMS2007.txt</fn>
15 10 - 12 07 - 09 04 - 06 01 - 03 di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang. di a hohela, di tsamaelana le sehlooho le bongodi bo kgabane. di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang. ho boima ho latela dintlha ka botlalo.
15 10 - 12 07 - 09 04 - 06 01 - 03 Puo e balehang ebile e na le mokgabisopuo. Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo. Puo e nang le diphoso empa e baleha. Puo e tletseng diphoso empa e baleha.
6 Di nyalana le sehlooho, di matla ebile di a hohela.
2 Di a baleha.
0 O lahlile tlhase ya sehlooho, ho boima ho utlwisisa hore o bua ka eng.
5 Puo e matla e se nang diphoso.
6 Di nyalana le sehlooho, di matla ebile di a hohela.
MEMORANTAMO Sehlooho E tswa ho Letsatsi E ya ho Nomoro ya boitshupo Sebopeho Puo: 4 - 2 Puo e matla e se nang diphoso 2 - 1 Puo e balehang 1 - 0 Puo e fosahetseng Dikahare: 6 - 4 Di nyalana le sehlooho, di matla ebile di a hohela 3 - 2 Di a baleha 1 - 0 O lahlile tlhase ya sehlooho, ho boima ho utlwisisa hore o bua ka eng.
<fn>93013VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A, B le C.
Bala dipotso kaofela ka hloko pele o araba.
Araba potso e le NNGWE fela karolong e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka dipotso tsa tsona.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng la yona le letjha.
Ngola moqoqo ka se le SENG sa dihlooho tse latelang. Bolelele ba moqoqo e be LEQEPHE LE LE LENG ho ya ho leqephe lehalofo.
Mmuso o kgahlanong letlhekefetso ya bana le basadi empa sena ekare se wela tsebeng tse kwalehileng ho ba bangata. A ko qoqe ka mefuta ya tlhekefetso le hore re ka e fedisa jwang.
Mopresidente o ekeditse lenane la basadi kabineteng ya hae. Ka tsela ena o leka ho tlisa tekatekano lenaneng la batho ba batshehadi le ba batona. Qoqa o ntsha maikutlo a hao ka sena.
Kamoo tlala e iphileng matla ka teng, ho thwe batho ba bang ba itlhaba ka nalete e nang le madi a HIV/AIDS hore ba itshwaetse ba tle ba tsebe ho fumana tjhelete ya mmuso. Na ke kelello ho etsa jwalo Qoqa o etsa phehisano?
Batswadi ba bangata ha ba sebetse mme sena se susumetsa bana ba sekolo ho ipatlela mesebetsi ya nakwana. Ngola moqoqokgang o hlahisa botle le bobe ba ketso ena.
Shebisisa setshwantsho sena se ka tlase ebe o ngola moqoqo.
Ngola e le NNGWE feela ka ditema tse latelang. Bolelele ba tema ka nngwe bo se fete LEQEPHE ha ho ballwa hlooho leqetelo ya tema moo e bang dihlokeha.
O moseho mawatle mmekgaitsedi ya hao e o thusa hoo hlokomellabana. Ngola lengolo moo o mo lebohang ka tsohle tse ntle tseo a o etsetsang tsona.
Le falletse toropong mme moahisani wa hao o dula a lokollotse dintja tsa hae tse bohale kamehla. Dintja tsena di hlorisa bana ba hao ka ho nna di ba lelekisa. Ngolla basepolesa lengolo ho tlaleha taba ena.
Hlahlobisisa setshwantsho se latelang ebe o ngolla ba lekgotla la motse raporoto ka ditshila tse teng sepetleleng sa "Natalspruit".
Kgetha e le NNGWE feela ya ditema tse latelang. Bolelele ba karabo e be LEQEPHE LE LE LENGhaho ballwahloohole qetelo ya tema moo e bang di hlokeha.
Moithutimmoho le wena o hlokahetse mme e ne e le motho eo o mo tsebang haholo. Ngola tsa bophelo ba hae / obitjhuari ka ha sekolong ba kopile hore o e ngole.
Ngola memorantamo o tsebisang baithuti ka papadi ya bolo e tla ba teng mabaleng a bolo ya bashanyana a sekolo sa heno.
Ngolo metsotso ya kopano e neng e tshwerwe ke mokgatlo wa papadi ya bolo ya matsoho holong ya motse.
<fn>93013VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le karolo tse tharo A, B le C.
Araba potso e le NNGWE ho tswa karolong e nngwe le e nngwe.
Leka ho fihlella bolelele bo batlehang.
Ngola ka makgethe ka mongolo o bonahalang.
Ngola moqoqo ka se le SENG sa dihlooho tse latelang.
Letshwao lena la Re motlotlo ho ba Maafrika -Borwa (Proudly South African) na e be le a sebetsa. Ebe bathoba thabela ho rekadintho tse etswang naheng ena ya bo rona. Ngola moqoqo o etsaphehisano ka taba ena.
Tlhompho e se e fedile baneng ba sekolo. Ba se ba etsa kamoo ba ratang kateng ba tshepile hore ba na le ditokelo. Ngola moqoqo kgang ka taba ena.
Basadi matsatsing anaba kgona ho ikemela, ba aitshebeletsa mme banna ba bangata ha ba thabele taba ena. Hlalosa hore hobaneng sena se etsahala.
Ho lekilwe tsohle hore batjha ba kgaohane le dithethefatsi. Wena jwaloka motjha, o ka eletsa ba bang jwang. Ngola moqoqo phethelo.
Thuto ha e tsofallwe. Batho ba bang leha ba le hlooho diputswa, ba ntse ba tswellisa kapa hona ho ingodisa dithupelong tse phahameng. Qoqa o tlatsana le sena hore hobanenghahole tjena.
Sheba setshwantsho sena, ebe o ngola moqoqo ka se etsahalang.
Ngola tema e le NNGWE feela ho tse latelang. Bolelele ba tema ka nngwe bo se fete LEQEPHE (mantswe 250 - 300).
Ngola puo eo o tla e tshetleha ho leboha batswadi ba hao moketeng wa letsatsi lahao la tswalo la mashomea mabedi le motso o mong.
Motswalle wa hao o hlokahetse. Ha habo ba o kopa hore o ba ngolle tsa bophelo ba mofu (obitjhuari)ka ha le ne le ntshana se inong.
O fumane mpho eo o neng o sa hopole hore motho a ka o rekela yona. Ngola motswalle lengolo wa hao o mo leboha ka seo a se entsene.
Ngola tema e le nngwe feela ho tsw latelang. Bolelele ba tema kanngwebo se fete LEQEPHE (mantswe 250 - 300).
Ngola lenane tsamaiso le tla sebediswa kopanong eo baithuti ba rerang ho nka leeto.
Ngola karete ya memo omememetswalle ya hao ho tla keteka le wena ka ha o fumane basari ya ho tswellisa dithuto tsa hao pele kwanamose ho mawatle.
Khamphaneng ya Marematlou Holdings ba batla motsamaisi. Ba ngolle lengolo la boitsebiso (CV) ka ha ba batla le tsamaye le mangolo a hao a thuto.
<fn>93021VMF2005.txt</fn>
Ba batla mosebetsi hore ba kgone ho phela.
Dimiliyone tsa batho di tsoha hoseng hoba ba tshwanetse ho ya sebetsa.
Ho batla, ke ho sebetsa ntho e kgethilweng ke wena ka lerato mme o etsa hona ka thabo le mamello.
b Ha o tshwanetse o sebetsa ka tshabo ya ho etsa mosebetsi oo o sa o tsebeng, mme o dula o tshohilehoreditlamoraokedife.
Ha re sebetsa re ithuta ho phela le ho phedisana le batho.
b Re ithuta le ho bua hantle le batho.
Ho tseba nako.
Ha re fumana hore re amohelehile mosebetsing.
10.1 Moruo wa naha o kenyeletsa ho sebetsa ha batho, boemo ba ranta le kgwebisano le mafatshe a mang.
Boemo ba ekonomi nahengbo hlalosang boemo batjhelete, ho phahama le ho theoha hwa yona ho ya ka moo mmaraka o sebetsang letsatsi le letsatsi.
Lebaka le leholo ke matshwele a batho a sa sebetseng le tjhelete e hodimo ha batho ba reka ditlhoko tsa bona.
Ho ba ruta hore letho leo ba le tshwereng le se ye molomong, empa ba reke ho hong ho rekisa hore ba tsebe ho atisa seo ba nang le sona.
Hoba ha ba sebedise tjhelete hantle kapa ba hloka lesedinyana mabapi le tshebediso ya tjhelete.
Dijo 1.15.2 Diaparo 1.15.
Batho ba sebedisa molao ona o reng 50/50 hampe. Banna ba bangata ha ba sebetse. Taba ena e ba etsa hore ba se nahane hantle, ba hlokofatsa basadi ba bona. Ba bang ba nkela basadi meputso ka kgang hore ba kgone ho sala ba reka jwala le sakarete motsheare. Ha ba kgone le ho nahanela le bana ba sekolo, ba ja dijo tsohle tseo ba di sietsweng motsheare. Basadi ba qobellwa hore ba tshele dikoloi tsa banna bana mafura, le ha ba sa di palame. Monna wa sebele ke ya thusang mosadi wa hae ka hohle ka moo a ka kgonang.
mohlahlobuwa a fane ka tse pedi feela e kgolo, tse pedi, tse ngata kapa o mongata.
b tse pedi feela Ke bona ntja e kgolo Ke na le ranta tse pedi Ke rekile diphahlo tse ngata O bakile moferefere o mongata.
3.2.2 3.2.3 3.2.4 Mohlomong ke ne ke ntshwanetse ho lefa tjhelete e ngata. Na [ebe] re ne re tshwanetse ho lefa tjhelete e ngata Mohlomong re tla tshwanela ho lefa tjhelete e ngata. Tjhelete e ngata mohlomong e ne e tshwanetse ho lefshwa ke rona?
Ntate o ntshietse lefa la dikgomo Ke ilo lefa melato eo ke e entseng.
Bohle Batho bohle ba a tsamaya.
Ke a ja, empa ha ke kgore.
Ke llile mme ke thabile.
Onto ena e nyenyane / nyane haholo.
Motjhini ona o ne o le turu.
Hodimo ke sebaka se phahametseng tse ding.
<fn>93021VMF2006.txt</fn>
Hobane a ka shebana le lefu neng kapa neng.
Ya thobalano / motabo. Ya matsoho / ho otlwa. Ya maikutlo.
banna. Bana. Masea. Maqheku.
Hobane a ne a itulela habo.
Batho ba inkela molao matsohong, hobane batshwarwa nako e kgutshwanyane/ Ha ba tshwarwe ho hang.
O ne a hlekefeditswe.
Ho etsa lerata.
Ho se tsamaye bosiu. Ho se tsamaye o le mong moo ho kgutsitseng. Ho se bue le motho eoo sa motsebeng.
Tlhokeho ya mesebetsi.
Tjhe batho ba se ba iphetotse diphoofolo matsatsing ana / Ha ba utlwele batho ba bang bohloko.
Batjha ha ba tsotelle dithuto tsa bona, ba ima nako le nako. Batjha ba senya tjhelete e tswang mmusong ka ho e sebedisa bohlaswa. Tjhelete e sebediswa bohlaswa e sa sebedisetswe bana Masea a siiwa le bonkgono ha bona ba itulela matlong a RDP. Ho a swabisa hore batjha ba iphumane ba le mathateng ba leka ho thuswa.
Jo! Wa tla wa ntshosa ke sa itebetse.
haholo / hantle.
Potlololo! O ile a swaba a re potlololo ha a bolellwa.
Mobe ka mahlong.
O (kapa wona)ona-ke tla rekisa wona hosaneha ke fihla.
Ba bapala hore batho kaofela ba thabe (sekao hore). Ba utlwile kaofela hore Nkotso ha a tanakellwe.
"bomme batla ipalola ka medidietsane."
3.2.6.1 Tsoho la monna ke mokolla.
Matsoho ke foko mmetso ke pataolo.
Basadi ke tau di mesana.
Ngwana ya sa lleng o shwela tharing.
Bohle banna ba tlile pitsong ya morena.
<fn>93021VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A, B le C.
Nomora dipotso ka nepo.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Bala seratswana se latelang o tle o tsebe ho araba dipotso.
Hobaneng ha re sebetsa Ha ke ntse ke etsa dipatlisiso ke fumana hore batho ba diperesente tsemashome a robedi ba sebetsahoba ba tlameha ho lefadikoloto, ba reke dijole ho patalla bana dikolong. Ho tshosang ka ho fetisisa ke palo ya batho ba bangata ba batlang mesebetsi, lebaka e le hore ba kgone ho phela. Nahana Mantaha lefatshengla rona ka bopharadimiliyone tsa batho ba tsohang hoba ba tshwanetse ho ya sebetsa. Diketekete tsa batho di romela mangolo a boitsebiso ka sepheo sa ho batla mesebetsi. Ba tshwanetse ho sebetsa hoba babatla ho phela. Ebe ho sebetsa hona kehoreo tshwanetse kapa o batla ho sebetsa, kapa ke hona ho hopoladiketekete tsa batho tse theohelang. Ho batla ho sebetsa kapa ho tshwanela ho sebetsa ke ntho tse pedi tse fapaneng. Ha re batla ho sebetsa re etsa ntho eo re e kgethileng mme re tla ba batho ba ratang mosebetsi wa rona, ba kgannwang ke lerato la ho sebetsa ho na le tshabo. Ha re ne re tlamehile re kgannelwa ke tshabo, tshabo ya ditlamorao tsa ho etsa mosebetsi oo re tla o etsa ka bokgabane kapa tjhe. Haeba re sebetsa hoba re tlamehile re kgona ho ipopela bophelo bo botle?
Re tshwanela ho nahana ka ditholwana tsa thuto e molemo eo re ka ipopelang yona ha re le mosebetsing. Mosebetsi o re fa sebaka sa ho hlahisa bokgoni ba rona, le dintho tsohle kapa tsona ditalente tseo re nang le tsona.
Re kgone hape le ho buisana le batho. Ntho e kgolo ka ho fetisisa ke ho ba le thabo le kgotsofalo ya hore mosebetsing re amohelehile. Bohlokwa ba taba ke hore re tsohe hoseng rebontsha bophelo mmere sebetsehoba rebatla, e seng hoba re tlamehile. Ka tsela ena re tla una molemo wa matlotlo, mme re kgone ho ntshetsa moruo wa naha ya habo rona pele. Re tla kgona le ho phehisana le mafatshe a mang a moruo o matla. Leha re batla eka re a fokola re ka se fokole jwalo ka mafatshe a hare ho Afrika moo ho renang mebuso ya mmusanotshi.
Hobaneng ha batho ba bangata ba batla mosebetsi?
Ke eng se etsahalang ka Mantaha hoseng naheng ya habo rona?
Fana ka tlhaloso ya ho batla kapa ho tshwanela ho sebetsa ho ya ka tse bolelwang seratswaneng.
Ho thwe tshabo e tliswa ke eng?
Ngola ntho tse PEDI tseo re ithutang tsona ha re sebetsa.
Ka ntle le tse ngotsweng mona mosebetsi o re thusa ka eng?
Ke sefeng se re tlisetsang thabo mosebetsing?
Re etsa eng ka matlotlo ao re a fumanang ha re sebetsa?
Mona ho thwe ho na le mafatshe a fokolang ka ekonomi, ha o nahana lebaka ebe ke lefe?
Bolela lefatshe le le leng le nang le ekonomi e matla.
Mongodi o bolela hore ho nale batho ba ntseng babatla mesebetsi. Ha o ne o le letona la tsa mesebetsi o ne o tla etsang ho hlahisetsa batho menyetla ya mesebetsi?
Hobaneng ha batho ba bang ba sa bone molemo wa ho sebetsa le ha ba kgola kapa ba fumana moputso?
Fana ka ditlhoko tse tharo tseo motho e mong le e mong ya phelang lefatsheng, ya sebetsang kapa a sa sebetse a tlamehang ho ba le tsona.
Bala seratswana se ka tlase ka hloko o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tse supileng tsabohlokwa. Sebedisa mantswe a hao ho akaretsaseratswana sena. O se ke wa se qotsa se le jwalo.
Molao ona o reng 50/50 o bolela hore monna le mosadi ba tlameha ho jara boikarabelo ka ho lekana malapeng. Bathoba bangata haba utlwisise hore na o sebetsa jwang. Batho ba o sebedisa ho iketsetsa ka moo ba ratang ka teng ka balekanebabona. O boima haholo ha o tla tabeng tsa ho abelana hore mang o tla jara boikarabelo bofe. Kajeno lena malapeng a mangata ho sebetsabomme, bontate ha basebetse. Sena ha se kgone ho amohelwa hantle ke bontate. Basadi ba fetoha mahlatsipa a tlhekefetso. O tla fumana ba mathisitswe le masiu ke banna bana ba sa itshepeng. Basadi ba bang bona ba tlaleha horebanna ba nka meputso ya bona ka kgang. Lebakaele hore monna a fumane tjhelete ya horekakwae le jwala motsheare. Ka nako tse ding ha bana ba sietswe dijo ka sehatsetsing, o tla di ja mme ha bana ba tswa sekolong ba kgahlanyetswa ke masapo a setseng. Banna ba bang ba jwetsa basadi ba bona hore ha ba na boikgethelo ba tlamehile ho etsa tsohle kamalapeng; dijo, diaparo ba be ba tshele le dikoloi tseo ba sa di palameng mafura.
Monna wa sebele ke ya utlwelang mosadi wa hae bohloko. O hlwekisa ka lapeng, a phehe ho thusa mosadi wa hae ya tla kgutla a kgathetse mosebetsing. Ba bang ba sa rutehangbafola difemeng. Ba rutehilengba romela mangolo a bona a boitsebiso le ho tlanya dikhomputara ho leka ka hohle ho fumana mosebetsi. Ha monna a etsa jwalo, mosadi o a kgothala mme ho phelwa ha monate ka lapeng.
O itshetlehile hodima Qotso A le Qotso B araba dipotso tse latelang.
Motjhine o ne o se turu empa o robeha ka nako tsohle.
Onto ena e kgolo haholo bakeng sa kgwebo ya rona. Ho nka dibeke tse pedi ho etsa disebediswa tsa letsopa tse lekanang ho tlatsa onto. Onto ena e ne e le theko e hodimo mme e sebedisa motlakase o mongata.
Ngola makgethi a MABEDIa fapaneng ho tswa diqotsong.
Bala polelo e latelang ebe o e ngola kamoo o laetsweng Mohlomong re ne re tshwanetse ho lefa tjhelete e ngata.
Isa polelo ena bonngweng.
E qale ka lebotsi na.
E fetolele ho lekgathe letlang.
E qale ka mantswe ana: tjhelete e ngata.
Lefa ke lentswe le nang le meelelo e mengata. Sebedisa lefa ho bopa dipolelo tse PEDI tse fapaneng ho bontsha meelelo e fapaneng.
Ngololla leakaretsi o be o le sebedise ho bopa poleloyahao.
Fana ka maemedi a tshwanetseng mantswe ana a sehelletsweng mola.
Onto ena e kgolo haholo.
Bala polelo ena: Onto ena e kgolo haholo.
Isa polelo ena ho lekgathe lefetile.
Qala polelo ena ka mantswe ana E kgolo...
Nyenyefatsa mantswe ana tjhelete le betere mme o a sebedise dipolelong.
Sebedisa makopanyi ana mme, empa ho kopanya dipolelo tsena.
Ke a ja. Ha ke kgore.
Ke llile. Ke thabile.
Bala polelo ena, Onto ena e kgolo haholo. Sebedisa kgolo e bontsha nyenyefatso polelong.
Hodimo ke lentswe le ka sebetsang e le lehlalosi kapa lebitso. Le sebedise polelong ya hao e le lebitso.
Fetolela leetsi "sebedisa" ho maetsi matso a latelang a maetsi.
<fn>93021VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO e leng A, B, C.
Nomora dipotso ka nepo.
Fana ka mosebetsi o makgethe.
Bosiu batho ba iphetola dikweta, ba qwayane ba tshabana. Kajeno motho e moholo kapa e monyenyane o tlameha ho tsamaya a qwaile, ka ha a ka shebana le lefu ka mahlong ka nako efe kapa efe. Ha hona moo motho a ka reng o bolokehile, ke ka tlung, ka ntle thoteng ho tshwana feela.
Hangata mathata a tlhekefetso ya thobalano kapa ya matsoho e ne e le ya basadi feela, ebile e le ntho e hwesheletswang tlaase ekaea tshajwa. Kajeno mehla e fetohile, ho lla basadi, banna, bana le masea, ba lliswa ke tlhekefetso. Motho wa monna o se a kgona ho tlaleha hore o betilwe kapa o hlekefetswa ka ho shatjwa.
Dilolo o ne a itulela hahabo eka ke ngwana ya sa rateng dikgathatso. A thotse ebile e le mohlalathakeng tsa hae. Athe o tshaba ho tswela ka ntle hobane moahisane wa hae Thero a se a mo hlekefeditse ka thobalano, a bile a mo tshepisitse hore ha a ka a hlaba mokgosi o tla mo bolaya le lelapa la habo kaofela. A bona ho le molemo ho le nyaya la koloba. Ditletlebo di ngata ka bahlekefetsi hoo ba qetellang ba bolauwe ka sehloho. Lebakabaka ke hore ha ba tshwarwa ba tshwarwa nako e kgutshwanekapa ha ba tshwarwe ho hang. Thero le ha a ile a qetella a tshwerwe o ile nakwana tjhankaneng yaba o a lokollwa, o a kgutla o hlekefetsa Dilolo le ho feta pele.
Ka mehla masedinyaneng, dithelebisheneng le diyalemoyeng re hlokomediswa ka mekgwa ya ho qoba tlhekefetso ya mofuta ofe kapa ofe ka ho se tsamaye bosiu o le mong, o se tsamaye o le mong moo ho kgutsitseng ho se batho ba fetang ka tsela, o se bue le motho eo o sa mo tsebeng, jwalo-jwalo. Empa bothata ke hore tlhekefetso ya motabo e etswa le ke motho eo o mo tsebang ebile omo tshepile.
Masedinyana, mekgatlo e itseng e kang POWA le diyalemoya di leka ka hohle ho kgalema le ho thibela tlhekefetso ya mofuta ofe kapa ofe. Batho ba llelwa ke ditshepe ha fela ba ka fumanwa, empa ke hona ha e ntse e ja setsi. Thero le ba bang ba behamolato ho tlhokeho yamesebetsi, ebe jwale motho o a ipotsa hore seo se amana jwang le tlhekefetso kapa yona peto. Ke nnete mesebetsi ha e yo, batho ke bafutsana ba kollang ntsi hanong, empa e seng hore re fetohele tlhekefetsong.
Matsatsing ana batho ba tsamaya ba qwaile ebe lebaka ke lefe?
Bolela mefuta e mmedi ya tlhekefetso eo basadi ba tobaneng le yona.
Hlakisa hore mehleng ya jwale kedihlophadife tsa batho, ntlele basadi, ba llang ka tlhekefetso.
Batlhekefetsi ba fumanwa ba bolauwe ka sehloho ebe ha o bona lebaka ke lefe?
Baahisane ha ba sa tshepahala mehleng ena. Ee kapa Tjhe?
Hobaneng ha Dilolo a ile a ikgethela hole nyaya le koloba a sa ka a hlaba mokgosi.
Ho tswa seratswaneng hothwe tlhekefetso e ka qojwa ka mekgwa efe e MERARO?
BoThero ba re tlhekefetso e bakwa ke eng?
Tlhokomediso ka tsa tlhekefetso le ho e qoba e hlahella kae Bolela e le NNGWE feela?
Ke mokgatlo ofe o kgahlanong le tlhekefetso ya basadi?
Na o a dumela hore tlhekefetso e amana le tlhokeho ya mesebetsi?
Akaretsa seratswana se latelang ka dintlha tse hlano feela tse jereng mohopolo wa sehlooho.
Batjha ha ba tsotelle dithuto tsa bona, seo ba se batlang feela ke tjhelete mmusong. Senao sebona ka palo ya batjha ba imang e nyolohang kasekgahla, le ha boraditaba, masedinyana, dithelebishene di bua ka mafu a thobalano, mekgwaya ho itshireletsa e mengatangata, feela batjha ba ntse ba etsa thobalana e sa sireletsehang. Na ebe ba tseba hore tjhelete e e tswang mmusong ke tjhelete e sebeleditsweng kathata Le ha baseba efuwa, tseo ba di etsang kayona di a swabisa. Ba bang ba bapala motshellano ka yona, bang ba enwa jwala ba reke diaparo tsa feshene ha ba bang e ba makgoba a bahlankana e le ha ho jewa yona tjhelete ena?
Batjha ba nyahlatsa bana le bonkgono ba bona ba sale moo ba poqwa ke tlala ha bona ba itulela matlonga R.D.P. ho jewa tjhelete ena e tswang mmusong. Ebe moo he, ke moo ho hlahangtsempetse tshwanang le bokgoba ba dithethefatsi, ho itaola, ditlhekefetso ka motabo kapa ho tlatlatjwa, bonokwane, jwalojwalo.
Ho a swabisa hore bana ba qwetse tebetebeng ya ntho tse mpe ka baka la ho se mamele le ho inehela jwaleng empa ho lekwa ho thusa bona ka mathata a bona a thobalano ebakang horebaime pele ho nako, le hore ba kgone ho fepa masea a bona ka tjhelete e tswang mmusong.
Bashanyana ba Mashaba ba ne ba haketse, ba phethoha hantle haholo. Tsokodibane a etsa menyakwe a thenthetsa, babohi ba butswela manaka, bomme ba ipalola ka medidietsane, hore ho utlwahale ka mpeng tsa makwala. Ha le hahlamela dithaba, la lla letanta. Jo!Mashaba wa batho a tlakasela, a fehelwa a re potlololo!, a ba a ba mobe ka mahlong ke ho swaba..
Ho tswa seratswaneng qolla dikarolo tsa puo tse latelang o be o di sebedise dipolelong.
Lebitso leo e leng lebitsobitso la motho.
Lehlalosi la mokgwa.
Leetsisa / leetsisamodumo.
Lekgethi o be o bolele hore ke la mofuta ofe?
Ngola polelo ena hape e le ho tatolo / kganyetso.
Ke mokgabiso puo ofe o sebedisitsweng polelong e thalletsweng mola?
a b e le ho sekaohore. e le lekopanyi polelong ya hao.
medidietsane Fetolela polelwana ena ho lekgathe letlang..
Ka ha letsohole fepela mmetso, morenao ile abitsa banna kaofela ho sebetsa Mmoho, hobane ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. Banna ha ba utlwela seo, ba bitsana, ba hatikelana hodimo ba sa fane sebaka ebile ba sa utlwelane bohloko, bohle ba batla ho sebeletsa basadi le bana ba bona, hobane ba utlwisisa hore monna ka mong wa ikgwanthella.
Ho tswa seratswaneng sebedisa mabitso a latelang ho bopa maele.
a b c d e Letsoho. Monna. Morena. Basadi. Ngwana.
Qolla leakaretsi o be o le sebedise polelong ya hao.
<fn>93022VMF2005.txt</fn>
Mola 2-hlomo-dihlomo-sethothokisi se batla hore modumo wa "hlomo"o saIe o duma ka tsebeng tsa rona. Senao se etsa bakeng la ho tiisa Ie ho matlafatsa.
Mola 2, 6, 8, 12, 13. Moleng wa 2 kgefutso e emela "Ie" polelong ena. Mola 13 mona sethothokisi se bontsha horepolelo ya pele e tshwana Ie e latelang. Letshwao la puo le tlisang phetoho polelong.
Mola 20 Ie 21. Mola wapele ha o na letshwao la ho bala, mme sena ke sesupo sa hore mola ono o ntse o tswella pele ho wa bobedi o latelang. Mola o le mong, o fupereng moelelo o le mong, o kgaotswe koto tse pedi.
Mola 1, 5, 8. Sethothokisi se hatella modumo "kgabane" mola 5hore o sale o duma ditsebebg tsa rona, o hatella Ie ho matlafatsa sena seo a buang ka sona. Ha ho boeletswa modumo o le mong didumammoho / diduma nnotshi.
Mola 1, 5, 8 lentswe "hloma" Iephetaphethwa hangata moleng o Iemong, mona mobadi o kgona ho utlwa Ie ho bona matlafatso ya lentswe lena "hloma" Ho sebedisa lentswe le le leng la makgetlo.
Moleleki o mong o ngotswe ka tlhaku e kgolo o mong o ngotswe ka tlhaku e nyenyane, wa tlhaku ekgoloo bontsha lebitso la motho, wa tlhaku e nyenyane o bontsha ketso ya ho leleka.
Ke lefifi la mannete e seng la ho bapala.
Thothokiso ena e bua ka Moleleki. Moo a neng a kena sekolo teng Moroka Ie Yunibesithi ya Leboya. Moleleki jwalo ka motho e motsho o ile a kgona ho tseba ho tlosa lefifi lena kelellong ya hae mme sena o se entse ka ho ya sekolong, a ithuta.
Phoqo / sesomo Mona o tla fumana sethothokisi e ka se a rorisa athe se a phoqa.
Motho. O phela le batho ba bang ka hoo o lebelletswe ho phedisana le bona.
Thotokiso ena e bua ka motho wa mosadi ya rwetseng boditsi hloohong, a batla moriri wa hae o tshwane le wa makgowa. O itshasa ditlolo tse tlabolang letlalo la hae la sefahleho.
O tlamehile o amohele sebopeho sa hao, seo o leng sona. O se ke wa iketsa motho e mong. O amohele hore o motho e motsho, moriri wa hao o mokgutshwanyane mmala wa hao o motshwana.
Makwanyane o bone mehlolo, ha kgomo e ntse e tsamaya e be e se e putlama fatshe e be ho se ho fedile. Dikgomo, dinku Ie dipere di ne di shwa lebuba, di eshwa ka bongata, dintwa tse hanang ho fela. Basotho ba hloname.
MmantsopaIe Katse ke dingaka tsaMoshweshwe ba kgonaho noha tse tlang ho etsahala. Ke bona ba neng ba etsa hore Moshweshwe a se ke a lebala setso Ie moetlo wa habo.
Mokgatjhane, o hlokahetse.
Morena Moshweshwe o ile a etsa qeto ya hore a kopele setjhaba sa Basotho tshireletso ho Mofumahadi Victoria. O ile a kopa moruti Casalis hore a mo ralle Ie ho ngola lengolo leo mme a tle Ie lona ho tla balla yena Ie bara bahae ditaba Ie dikahare tsa lona, a ba a mokopa hore kopo eo ebe pinyane, maburua se ke a tseba taba eo. Casalis o ile a phethisa ho ya ka moo Moshweshwe a kopileng ka teng. Bara ba Moshweshwe ba ile ba ananela qeto eo ya morena mme lengolo la romelwa ho Mofumahadi Victoria. Jwaleo tlasa tshireletso e matla mme dintwa di tla fokotseha. 2.
Mona mongodi o re tsebisa ka ho fihla ha leru Ie lefubedu e leng makgowa. Basotho ha ba a ka ba thabela ho fihla ha batho bana ka naheng.
Ha bathoba Ie tsietsing, ba itekoladiphoso tsa bona ka ditsela tsohle hore ebe ba fositse kae, kapa ba kgopisitse badimo ka eng. Moshweshwe o ne a bitsitse Mmantsopa Ie Katse hore ba tlo ba bolella moo ba fositseng teng, mme eo a ba bolella Ie dithuto tsa bona tse kgahlanong Ie meetlo ya Basotho.
Moetapele wa sebele jwalo ka Moshweshwe o lokela ho ba Ie ponelopele, adule a sebedisanammoho Ie baeletsi hobane ka nako e nngwe ha se tse utlwahalang. Makwanyane o ne a se a nkehile hore Moshweshwe o tsofetse ose a batla ho hatellantlha ya bara ba Moshweshwe. Ka nako e nngwe dipuisano ha di tlise tharollo.
Ka morahore Manyesemane a hlolwe ha bohloko ke Basotho, SirGeorge (Mmusisi e motjha wa Manyesemane), o ile a tsoma lebaka Ie ka mo fang monyetla wa ho hlasela Basotho.O ile a qosa Basotho ka hore ke mashodu a senyetsang Makgowa thepa Ie metse, mme morena Moshweshwe o hloka kgalemelo setjhabeng sa hae. Ka lebaka la tshenyo kapa boshodu boo bo etswang kesetjhaba sa hae, o motlamamaoto Ie matsoho abile a sena Ie boikgethelo hore a lefe ka dikgomo tse sekete Ie dipere tse sekete. A ba a etsa Ie tshoso ya hore e eso finyelle, o tla ikgapela dikgomo tse dikete di tharo, a be a bolaye setjhaba sa Basotho a se senyetse metse Ie masimo.
Ee, o nyenyefatsa Basotho ka hore ke mashodu empa morena wa bona o moholo ebile ke monna ya lokileng.
O qala ka ho nolofatsa morena a nto mo otla ka kotlo e boima.
Ee! o ne a mmalla ka nepo se ngotsweng mangolong.
E ile ya re Theko ha a ka ya lebollong o tla fola.
Mmampholanekeyena sesosa sa hloohoena ya Theko. Theko Ie Kgama ba ile ba otla Madiboho mme taba eo ya fela. Mmampholane ka ho rata ditaba a emela mohla ba mo foseditsenge Ie ha a batla ho phethisaditakatso tsa hae tsa mona le baloyi.
O re setso se tshehetswa ka tswelopele.
Mafikeng o hanana Ie taba tsa thutohobao re di senya bana kelello, bana ba tshwanelwa ho hodiswa Sesothosotho ho akgellwa Ie lebollo ka hare.
Kgohlano ena e tliswa ke ho isa bana sekolong. Mofifi o re bana ba iswe sekolong hore ba tIe ba fumane thuto eo e tla ba lesedi motseng wa Mohlakeng.
Popa moo ke ha rangwane wa Sentebaleng.
Tomase ha a rate ho bona lelapa Ie qhalana o ne a se a dula a qabana Ie mosadi wa hae ka baka la boitshwaro ba Sentebaleng hobane mme wa hae o ne a mo emela ka nako tsohle.
Kgama o ne a thabiswa ke mokgwa wa Sentebaleng wa hore a iqholotse mme ebe yena wa pele wa ho kgoroha ho aka Kgama.
O ikokobeditse, ke ngwana wa mahaeng, o phela Sesotho. O ne a Ie dihlong a sa rate maswabisa ao Kgama a neng a a etsa ho yena. O ne a na Ie tshwaetso e ntle metswalleng ya hae-ka ho thusa Dipuo Ie mmae ka ho bokella tjhelete ya ho isa Kgama sekolong.
Ke ngwanana wa teropong, o rata menate, ditjhelete tseo a sa di sebeletsang, diphahlo tse bitsang. Ha a na dihlong Ie hlompho. O qhekanyetsa bahlankana o inyadisa bahlankaneng ha a ne a dula le Kgama Popa.
O ne a tla tshwaetswa ka malwetse a thobalane. Ba ne ba sa sebedise dikgohlopo. O ne a na le bahlankana ba bangata.
Hobane a ne a sa sebedise kgohlopo, o ne a ka iphumana a na le ngwana eo a sa tsebeng ntatae.
O ne a ka bolawa ke batho, banna bao a bapalang ka bona kapa basadi ba bona.
Dipapadi-Dilotho di bapalwa ke batho ba babedi empa ha ba feta bobedi ba ne ba ikarola dihlopha tse pedi. Dilotho di a ruta ebile di neeletsana ka ditaba tsa bohlokwa tsa setjhaba sa Basotho. Di ruta ngwana hore a mamele ka tlhoko hore a tle a boloke Ie ho hopola ka nako tsohle. Di akaretsa bophelo ba setjhaba, mmeetlo ya sona, mesebetsi Ie disebediswa tsa sona. Puo ya teng ha se e tlwaelehileng; e potetse kahoo e batla ngwana ya nang Ie kelello e tjhatsi. Ya tla dula a hopola. Ke mofuta wa tokodiso empa o sa qoqweng.
a b c d Ditshomo tse buang ka diphoofolo Ditshomo tse buang ka diphoofolo Ie batho Ditshomo tse buang ka batho Ditshomo ka batho Ie dibopuwa tse ding tsa mehlolo.
Kgoro ke ha ho kenwa motseng oo ho tlisitsweng mohobelo teng. Ke karolo ya pele. Kgato ke ha ho utlwahala mantswe a molodi a basadi Ie barwetsana; ha ba bina ke karolo ya bobedi.
E ne e bapalwa ha letsatsi Ie eme, ho se pula.
Ho e bapala hona ho tla tlisa pula.
Ho ne ho fihlwa hoseng mme ho kene ba babedi lapeng la ramotse.
Ha ba bona lesokwana moo Ie hlomilweng teng, ba tla Ie hlomola ho se yaba bonang.
Batla tswela ka ntle ba didietse, ba Ie phahamise mme ba tsebise beng ba lona.
E be hee ba sa tla mathisana letsheare lohle ho fihlela basadi ba kgathala mme ba lapa.
Mona ho kgalemelwa motho ya itshotlang ka ho hopola motho ya sa mo hopoleng.
O ka kgahlwa ke bokantle ba ntlo athe ka hare ho ditshila kapa batho ba teng ba kgopo.
Ngwana ya thabelang ho rongwa ke yena ya hodisitsweng hantle.
Kgetho ya mantswe sebedisa lentswe la kamano "Ngwaneso" o ikatametsa Ie ho etsa boipiletso hore o tle o mamele seo a buang ka sona.
sebedisa mantswe a tlwaelehileng. Mohlala-bahlankana Ie barwetsana.
Sebopeho sa dipolelo sebedisa dipolelo tse kgutshwanyane.
dipolelo tsa hae ke tse utlwahalang, mathemalodi, tse totobetseng.
Palekgutshwe ena e re ruta phapang mahareng a motswalle wa sebele Ie motswalle wa mafeela. Motswalle wa sebele o na Ie wena ha o Ie ditsietsing, o Ie mahlokong, o Ie thabong, o a o tshehetsa ka tsela tsohle tseo a ka kgonangka tsona. Empa motswalle wamafeela, ho na Ie seoa se unang ho wena.
Baruti bao e leng matitjhere.
Le arohangwa ke dikolo, ho fihlile nako ya hore Ie ye dikolong tse phahameng kapa le ilo sebetsa.
Ba tshaba sepetlele hobane batho babangata ha baile mono ba kgutla ba tsamaya ka mokokotlo.
Rebonaka hore ho hlakotswe hohle, hohlwekile, mealo e alotswe hantle mme bakudi ba robaditswe mealong ya bona e mesweu hantle.
Mongodi o sebedisa mokgwa wa kganyetsano moqoqong wa hae.
Mohlala-O bua ka bakudi ba sa kgathatseng Ie ba kgathatsang.
Mongodi o rata Ie ho sebedisa phetapheto e hlahellang ka mantswe, dipolelo kapa dipolelwana.
Mongodi o na Ie boipiletso ho mmadi, o batla hore re shebisane ka seo yena mongodi a buang ka sona.
O sebedisa polelo tse kgutshwanyane.
O tsamaya a re siela keletso moqoqong o mong Ie o mong.
<fn>93022VMF2006.txt</fn>
A ho qeka le ho rapela.
E be banna ba sebele, ba tlohele ketso tsa basadi. E tlisa sehalo sa phoqo.
mola 5 - lefatshe. mola 11 "tlama" = setlama.
Moduduetsane o a ba kgothatsa le hore ba tlale morolo, ba be sebete.
Tlhaka ke letshwao le etswang ke ngaka ya Sesotho ho e tiisa e sesetsa ka ditlhare.
Thesele o bososela nqalong ya kgutso.
Tjhe. Ha o sa mamele dikeletso o iphumana o wetse tsietsing.
O a ikgohomosa / inahanela Ha o mamele keletso tsa ba bang Motho ke wena feela.
Ngwana ya tlilengbohadi le mmae, e se wa moo.
Boiyane ke bongata ba mabotho.
Setsetse ke mosha. O ne a ba tsometsa, a tla a ntse a bitoha se ka mesha. O ne a sebedisa tsebo ya hae ya naha ya Lesotho, a ba dika.
Ba nahana hore ka ha ba tlile le dithunya ba ne ba tshwanetse ho hlola. Bona jwalo ka Manyesemane ba tseba sethunya ho feta Basotho. Ba ne ba sa nahane hore ba tla ba hlola.
Tjhe! Ba shebahala jwaloempa ba tebile ka hare. Ba fihlile naheng ya batho ba sa tshwara letho empa ba batla ho itshehela ka botleng.
Tjhe!e ne e se motho e mobe, o ne a rata kgotso anyatsa ntwa, akgothalletsa ditherisano.
Ba ne ba fetola dikgolo tsa bona, le ho fedisa mekgwa le meetlo ya bona.
Ka ho kgolwa, ho mamela le ho nkeha ke tsohle tse mpe tsebuuwang ka morena, ba lebala melemo le tse ntle tseo morena a ba etseditseng tsona.
Ho mo balla le ho mo ngolla mangolo. Ho mo kgothatsa, ha a nyahame pelo nakong tsa mathata. Hose phahle makunutu abonaj.k. lengolo le yangho Mofumahadi Victoria.
Bananaba Basothoba ditlhong ha ba etele dintho pele, jwaloka ho aka le ho bolella moshanyana ka moo ba mo ratang ka teng.
Tjhe! O ne a bakisa kgarebe ya Kgama, Dibakiso. O ne a sa tlwaela diketso tsa mofuta ona.
Sentebaleng o ne a ikgabisa ka tsela e makatsang, le diketso tsa hae tseo Kgama a neng a sa di tlwaela tsa ho etella mohlankana pele.
Karaburetso ya kutlo.
Ho hloka nnete, ke moqhekanyetsi. Ho hloka botshepehi.
Dibakiso o bontshitse lerato la nnete le boitelo ho Kgama.
Mmakgama o bontshitse lerato le makatsang la botswadi le tshwarelo ho ngwana hae Kgama.
Baahisane mona ba hloka lerato.
O sekewa kgahlwa ke nonee feta. Mamela le ho hlompha batswadi. Boitshwaro bo hlephilengha bo patale.
O ile a tswa leihlo.
Ho nyefolwa ke ba bohadi, tshwaro e mpe ya matsale. Ho sebediswa ha boima.
Tjhe ha ba rate, ba dula ba hlorile ba ipotsa lebaka hore hobaneng a kgutlile.
Banyalani ba nyalana ka lebaka le itseng, ba nyalana ba lebelletse ho fumana ho itseng e leng tjhelete, monate, jj ere ha ba sa fumane tseo e be moo monna a bang le lehloyo, boiphetetso, lefufa, a qetelle a bolaile mosadi, bana le yena. (le dikarabo tse ding tseutlwahalang).
Bana ba hlora moyeng hobane ba rata batswadi ba bona ka bobedi. Sena se fetola bophelo ba bona ba qetelle ba tswile tseleng ka ho nka monyetla ona wa karohano. Sena se thefula mosebetsi wa bona sekolong.
Banyalani ba tshwanetse ba lauwe mohla lenyalo ho ba fa maele a bophelo, ba lebelle tse ntle le tse mpe, lenyalong. Ba kgone ho mamella mathata oohle ao ba kopanang le ona lenyalong.
Tjhe. Moithuti a ka sebetsa hantle hara selemo, e be qetellong ho be le nthonyana e nyenyane e mo sitisang ho sebetsa hantle.
Tlhahlobo ke ntwa hobane o lwanela ho hlola, o kena o hlomme e ka o ya ntweng.
Ya tsebang potso o a bososela. Ya sa e tsebeng mofufutso o a thunya. Ba bang ba a thalatsa.
Ke ha o kgonne ho feta hara mathata le ditsietsi tsa bophelo.
Ba ithutileng le ba sa itokisetsang tlhahlobo.
Bana ba kena dihlahlobang ba se ba iketseditse pokelletso ya matshwao. Mosebetsi wa bona o kgutsufaditswe.
Ke ho itela.
Sediadia- e ne e bapalwa ka morahoba bohadi bo kgaohe, mohlankana o ne a atisa ho iphumanela ya mo kgahlang. Ena ke papadi ya bahlankana le methepa. Ba ne ba ikarola hlopha tse pedi. Morwetsana o tla tloha a tshwere mohlankana eo a hapilweng ke yena, a fihle a mo neye sediadia seo. Ha mohlankama a sa kgahlwa o a mo leleka.
Papadi ya lesokwana : E ne e bapalwa ke basadi, barwetsana le banana. E ne e bapalwa ha letsatsi le eme, ho se pula, mmeho thwe ho e bapala hoo ho tlatlisapula. Hone ho tsohwaka matjekemme ho uwemotseng o mong moo ho ilo latwang lesokwana teng. Tseleng ba ne ba siyana mekgahlelokabobedi, boraro, bone, jwalojwalo, hore haba kgutla ba mathile, ba tle ba neeletsane lesokwana leo, mme ba phomotsane. Bane ba fihla ba batle ka mahlo ka seotlwaneng. Ha ba fumana lesokwana ba tla le nka ba le pate. Ha ba tswela ka ntle ba hlabe modidietsane ba re "Lesokwana la ya." Ebe he ba sa tla ba mathisa ho fihlela ba kena ka motse wa bona.
Bana ba rutwa boitshwaro bo botle boo setjhaba se bo lebelletseng ho bana horeba tle ba hole e le batho ba sebele. Barutwaho hlompha batswadi, batho bohle ba baholo, esita le bona ba banyenyane. Ba rutwaho nyatsabobe bo kang ho bolaya, ho utswa, ho lakatsa tsa ba bang, ho ba meharo le ho ikgohomosa.
Ho thwe hadi kaphetwa motsheare, bamamedi ba tsonaba tla mela dinaka hloohong. Di phetwa haholo ke bonkgono hobane bona bane ba phetelwe ke baholo ba bona.
Ho jela ka pele.
Ho atamelana haholo hoo e mong a ke keng a phela ntle le e mong.
Ho ba bothateng bo boholo.
Ho apara hantle.
Tshilo, ha mosadi a sila.
Lehapu. Bofubedu ba lona, le metsi a lona.
<fn>93022VQF2005.txt</fn>
Bala ditemana tse latelang o nto araba dipotso tse tla latela.
Ke letlamorwana nka be ke roka.
Qolla mekgabisopuo e latelang thothokisong e ka hodimo, o e hlalose o be o bolele Ie sepheo sa ho sebedisa mekgabisopuo eno.
Phapang ke efe tshebedisong ya Moleleki wa pele le moleleki wa bobedi?
Hlalosa seo sethothokisi se se bolelang moleng wa 9.
Fana ka mookotaba wa thothokiso ena.
Bohang hle, re tedise mahlo.
Empa joo, motho a tla hlotsa enwa!
Lebala lona athe ha se bosehlana na?
Homme tshosobano ya sefahleho na?
Mefuteng ya dithothokiso, ee ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Hlalosa polelwana tsena o be o fane ka moelelo wa tshebediso ya tsona thothokisong ena.
Ho bolelwang ha ho thwe "motho ke motho ka batho"?
Fana ka lebitsomararane temeng ya 1.
Qolla mantswe a MABEDIa tiisang hore tema ya pele e kgaba ka phetapheto, o be o bolele hore ke ya mofuta ofe.
TSHWANTSHISO POTSO 2 Leru le lefubedu - T.W.
Makwanyane : Morena, ho se ho etsahala mehlolo eo re so kang re e bona ha esale re tswalwa.
Moshweshwe : Ke hlokometse hore ho na Ieho se kgotsofale ha badimo, ke ka hoo ke bitsitseng MmantsopaIe Katse ba ke ba tlo re senolela tsa bophelo ba rona.
Makwanyane : Naha ya rona e senyehilemaoba mona re sa tswa bona dikgomo, dinku Ie dipere di shwa lebuba. Mehlolo ka nnete.
Kgomo e ntse e tsamaya o bone e se e re putla fatshe ebe ho se ho fedile ka yona. Masapo a tse shweleng a tlamehile ho re fadimehisa.
Moshweshwe : Pelo ya ka e bohloko, Ie ha ho thweng, ana Maburu ke baloyi. Mohlape o fedile O kae ntate(a lla)?
Makwanyane o bua ka mehlolo efe e etsahalang Basothong?
Sesosa sa mehlolo eo ke sefe?
Bolela lebitsola ntate wa Moshweshwe Ie hore ha ditaba di Ie boemong bona o ho kae?
Moshweshwe : Ke Ie bitseditse mono ho tla mpalla lengolo lena a le e Ie hore re utlwe tsa lona.
Casalis : Na nka bala lengolo morena?
Qotsa puoe bontshang hore morena o nea ile le kgongwana hodimo puisanong ena.
Ebe Casalis o ne a tshepahala ho morena Moshweshwe?
PALE POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Bala diqotso tse latelang o nto araba dipotso tse tlo latela.
Empa ka lapengla Mofifi nako ena e ne e boetse e Ie ya tshiyamo Ie mathata a hlobaetsang: Theko o ne a boetseatshwerwe ke hlooho jwalo ka marihengafetileng. Homme ba ne ba se ba saletsweke dikgwedi tse seng kae ba ngola hlahlobo ya makgaolakgang, eo ka yona ba neng ba tla nehwa mangolo a thuto ya mathomo. E ne e se e Ie dibeke tse ka bang pedi a tshwarehile, mme ba lekile ho pota Hlahlalebajwa ka thoko ka sepheo sa ho iphumanela ngaka e ka fanang ka phekolo ya nnete, ba bone eo a itjeletse kgomo ya bona feela. Empa dingaka tseo ba neng ba laotse ho tsona, di ne di mathile mantswenga Hlahlalebajwadi biledi itsehlooho eo e ipatlelalenaka la mophatong feela.
Bolela lebitso la ngaka ya lelapa la boTheko.
Ngaka e ile ya re se tla phekola Theko ke sefe?
Ebe Theko o ile a kgona ho ngola hlahlobo eo ya makgaolakgang Ee kapa Tjhee. Tiisa karabo ya hao ka lebaka?
Bukeng ena re fumana kgohlano ya maikutlo mahareng a Mofifi Ie Mafikeng. Ako qoqe ka yona o itshetlehile ho diketsahalo tsa buka.
Ka mora hore Kgama a arohane Ie Dibakiso ka mokgwa o sa kgotsofatseng, mme a tatamale holebaPopa, afihlahaHlajwane. Mohlang oo afumanaeIe Sentebaleng feela lapeng leo, beng ba teng ba ilemoketeng. Yaba ba kena ka rontaboleng jwalo ka mehla. Yare moo Kgama a qetang ho dula setulong, Sentebaleng a mo laimela, a mo aka; a ntano mo hwesheletsa ka tsebeng: "O a tseba, moratuwa, ke o rata ka pelo ya ka yohle. Ke o ratela bohlalefi ba hao, Ie ho hloka bokwata ha hao!"Yaba o mo aka hape a mo behile letsoho lehetleng. Kgama a utlwa a hloletswe ke monate wa ho akwa ka tshohanyetso, Ie hona kamolomo o manyaditsweng ka mafuraa nkgang dipompong. Mokgwa ona wa Sentebaleng wa hore a iqholotse mme ebe yena wa pele wa ho kgoroha ho aka o ne o thabisa Kgama haholo. O ne a bona e Ie ntho e ntle, eo a qalang ho kopana Ie yona bophelong ba hae.
Lebaka Ie entseng hore Sentebaleng a iswe moo ke lefe?
Se neng se thabisa Ie ho kgotsofatsa Kgama ka Sentebaleng ke sefe?
Amahanya mekgwa ena ya Sentebaleng Ie ya bananyana ba matsatsing ana.
Bontsha phapang mahareng a Dibakiso Ie Sentebaleng o itshetlehile ho diketsahalo tsa buka.
Bophelo ba Sentebaleng bo kotsing ya ho hlahelwa ke mathata a itseng. Bolela a MABEDI, o be o hlalose hore hobaneng o realo.
Bala diqotso tse latelang o nto araba dipotso tse tlo latela.
Ke ratahoboela ke toboketsahorethuto ha se ntho e fihlang Ie Makgowa. Basotho ba tsebile ha esale hore thuto ke motheo wa bophelo, ka baka leo, batlohilee ntse e Ie batho ba e kgothalletseng. Ho sebediswa tsela tse ngatangata he ho ruta Ie ho ithuta, ho ya kaboholo Ieboleng ba batho, nakoIe sebaka, jwalojwalo. Mokgwa wa dilotho ke o mong wa ditsela tsa ho ruta Ie ho neeletsana ka ditaba tsa bohlokwa tsa setjhaba sa Basotho. Dilotho hantlentle ke malepa a puo a rutang motho ho nahanisisa ditaba, ho tlwaela ho di bapisa Ie ho di qhaqholla. Ke mofuta wa tokodiso, feela o sa qoqweng. Ke dipapiso tsetswapetseng. Moelelo wa tsona opotetse, ka hoo di tjhorisa kelello tsa ba di kgothalletseng. Jwale he, hobane di sa ngolwe, ho hlokahala kelello tse matla hore di tle di bolokwe, mme di hopolwe ka nako tsohle ha ho lothanwa. Ba lothuwang Ie bona ba ba tjhatsi, ba a di hopola mme ba di rarolla ka nako le motsotso.
Bolela mefuta e MENE ya ditshomo.
Fana ka mohlala o Ie mong tshomong ka nngwe.
Qoqa ha kgutshwanyane ka papadi ya lesokwana.
Matlo a matle diotlwana feela.
Fura la ngwna ke ho rongwa.
Moiketsi ha a Ilelwe.
MEQOQO POTSO 5 Pelong ya ka - S.M.
Bala diqotso tse latelang o nto araba dipotso tse tla latela.
Sena seo Ie se tsebile nako e telele ha kana, sekolonyana sena seo ho sona Ie tsebileng thaboIe nyakallo ya thuto, e Ie mathata a yona; sekolonyana senasele tsebisitseng banna bana ba Modimo ba le rutileng dintho tse ngata, bao kajeno le ba tlohelang hona mona. Kajeno lona metswalle le a arohana. Ngwaneso, le qala ho utlwa ka botlalo bohloko ba lentswe lena: karohano. Ba bang ba ya dikolong; ba bang, bona ba mafutsana, ba arohana le sekolo seo ba se ratang, ba ilo sebetsa. Nako ha e fihla meokgo e a sekaka mahlong. Empabona bohloko boo bo fokotswake sona setswalle se bileng teng. Ekare se a botsa hore na karohano e ka ba teng ho bao e leng metswalle, ho ba nang le dilemo tse monate tseo ba di phetseng mmoho?
Hlahisa bongodi ba mongodi o itshetlehile ho diketsahalo tsa buka.
Kgetho ya mantswe.
Mongodi o bolelang ka banna ba Modimo?
Ebe sesosa sa karohano mono ke sefe?
Batho ba bangata ba tshaba sepetlele haholo hoo motho a yeng a dule hae bohloko bo be bo je setsi mme a fihle sepetlele a se a sa itsebe, a be a makale hore na o ne a fihla jwang teng, mohlaa hlapohelwang haeba a hlapohelwa. Hoba bongata ba bona kebo yang sepetlele feela ho ya shwela teng, ho ya atisa palo ya batho ba shwellang sepetlele, ho ya fa sepetlele lebitso le lebe la ho re, "Nnyeo le nnyeo ba ne ba shwele sepetlele; sepetleleseqetabatho," empa nnete e le hore ba ipolaile e le bona ka ho se ye sepetlele nako e sa le teng. Sepetlele se a tshajwa. Ho batho ba bangata se emela ha ho se ho apolwa ho apeswa, pobodi e se e sa fele: "Lethola o a kula, o se abile a le sepetlele!"
Dipetleleng tse ngata, nako ya ho etela bakudi ke efe?
Fana ka sesupo se neng se bontsha hore esee le nako ya ho kena sepetlelesa (private). Ka dintlha tse THARO feela.
<fn>93022VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse HLANO e leng A, B, C, D le E.
Dipotso di botsitswe ho tswa dibukeng tse HLANO.
Nomora dikarabo tsa hao ka moo dipotso di nomorilweng ka teng.
Se nnang le qeaqea hle ba Mmamohato, Banna tlohelang ho ba matswadisa, Hlobolang mese eo, le tene senna, Itahleleng, le lwe ya kgumamela, Fatshe la lona le tswe direng, Afrika ya lona e se hatjwe bohlaswa, Mmalona Afrika e motsho o hlorile, O kgapong, mo tlamolleng tjhankaneng, La betsolwa tlhaka, Basotho, e nkeng.
Tlhaka ya ngaka, e se ngakammotwana.
Moelelo o hlahiswang ke mola 2 le 3 ke wa eng O tlisa mohopolo ofe?
Sethothokisi se kgaba ka tlohelo.
Basothong, lentswe 'tlhaka' le bolelang?
Ngola mola 12 ka tsela e tlwaelehileng.
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse ka masakaneng.
Mothwana sekwallwa ka hare, Hole botebong ba maikutlo, Ngwana, letlalepepilwe, O ithorisa o re: Nna ke nna.
Wa re senyetsa botho ba rona, Wa bo medisa ditshiba, Kajeno bohle ba tseba Ho re: Nna ke nna.
Ebe se hlaloswang ke tema ya boraro se lokile bopheleng ba motho?
Ho ikotla sefuba o re 'Nna', ho senya botho ba motho jwang Hlakisa ka ho fana ka dintlha tse THARO?
ngwana, letlalepepilwe wa bo medisa ditshiba.
Mantswe ana: "Nna ke nna" a sebedisitswe e le mokgabisopuo ofe Kgetha karabo e nepahetseng ho tse ka tlaase?
Bala diqotso tsena tse latelang o nto araba dipotso tse tla latela.
Sir Harry: Warden: Sir Harry: O bolela hore le ne le le bangata empa la hlolwa Mohlomphehi, boiyane bo bokaalo ba mabotho ha ke eso bo bone. Monna o teng moo ba re ke Moletsane, setsetse sa nete! Re tla tlameha ho hlakola Moshweshwe, Warden. Maburu a tla lokela ho re tshehetsa ka botlalo. Ho seng jwalo re tla ba ruta. Moshweshweo mobe e le ka nnete, o lokelwa ke tlholo. Ditjhabana tse ding re tla di tshosatshosa feela hore di re thuse. Wena Warden, romela mabotho Mangaung mme o ba fe dibetsa tse ngata. Feela le hopole hore wena le Donovan le tla hlasela Lesotho feela ha le na le bonnete ba hore le tla hlola?
Ka boiyane ho bolelwa (bonyane / bonngwe / bongata).
Setsetse ke eng Bolela hore ke hobaneng ha Moletsane a tshwantshwa le setsetse?
Bontsha tsela eo Manyesemane a bontshang lenyatso ho Basotho ka yona.
Na Manyesemane ke batho ba kgotso Araba "Ee" kapa "Tjhee". Tiisa hoo ka ho fana ka mohlala?
Ditjhabanatse bolelwang mona ke dife Bolela tse THARO?
Ebe ke nnete hore Moshweshwe e nee le motho e mobe Tiisa karabo ya hao ka mehlala?
Morenana: Banna! Ha re a tlela ho tla phetha tse etsahetseng. Tabataba ke hore re etsang jwale ebe ke nna feela ya batlang tharollo ya taba ee?
Banna: Ha a tloswe! Ha a tloswe!
Poshudi: Ha re se keng ra ipata ka mora mohoo. Monna a eme a ikotle sefuba a bue puo pha!
Banna: Mohlomphehi, mora Moshweshwe, le bana beno. Nna ke utlwisisa maikutlo a lekgotla hantle. Ha ho hlokehe hore re nne re pote mona, re re bito mane. Morena ha a tloswe re bee e mong wa bara ba hae. Monna eno o tsofetse banna, Poshudi ke enwa a ka nna a se kotsomala.
Poshudi: Puo ya hae ke a e utlwa jwalo ka morenana empa ba bang bona ba reng?
Banna: Le dumme, ha a tloswe!.
Ke hobaneng ha setjhaba se nese le kgahlanong le baruti?
PALE POTSO 3 Mehaladitwe ha e eketheha - T.
Bala qotso tse latelang o nto araba dipotso tse tla latela.
Mokgwa ona wa Sentebaleng wa hore a iqholose mme ebe yena wa pele wa ho kgorohahoaka o ne o thabisa Kgamahaholo. O neabona e lentho e ntle, eo a qalang ho kopana le yona bophelong ba hae. Monate wa teng, Sentebaleng o ne a mo ja tsome ka tsela e qhibidisang mmele.
Hoba a mo ake lekgetlo la bobedi, Sentebelenga dula setulong a nepane le yena. O ne a apere mose o mofubedu, o phatsimang le ha a le ka tlung. Moriri wa hae o ne o le bolepolepo, o bile o entse dikgaretsana tse bonolonolo , eka hola o ne o nyekilwe ke namane. Masale a hae a ne a phatsima mebala e botleba mookodi ha lefafatsanele qetaho kgutsa, mme letsatsi le boela le tjhaba hape. Dikobo tsa mahlo a haedi ne di le botsho bo bopudutswana, boo e neng e re ha bo utlwa kganya bo etse ntho e kang mohodi. "Kgele! Kajeno ke bona o le motle ho feta mehleng," Kgama a kgotsa a mo shebile ka ho makala. "Hao!" Le yena a mo fetola a maketse. "Ke ile ka re o tle o mphumane ke itokisitse."
E ka, e botle ba mookodi A.
O ne a moja tsome B.
Dikobo tsa mahlo C.
Diketso tsa Sentebaleng ha se tse amohelehang kgodisong ya ngwanana wa Mosotho. Hlalosa o fane ka mabaka a MABEDI.
Na setswalle sa Kgama le Sentebaleng se ne se theilwe hodima lerato Tiisa karabo ya hao?
Sentebaleng o ile a hohela maikutlo a Kgama jwang?
Se neng se etsa hore Kgama a tsilatsile ke sefe?
Ebe mongodi o atlehile thehellong ya hae ya mophetwa enwa Sentebaleng Hlalosa?
Kgama a ntshahlooho ka dikobong, a tadima fenseterenga tshohile hoo a neng a dumela hore modumo wa pelo ya hae ha e otla o utlwahala ka ntle. A bona motho a eme hona pela haemona, a mo nyaretse le fensetereng. Le ha ho ne ho le lefifi ka tlung ka moo, mme a ne a keke a bonwa ke motho ya ka ntle, a hopola hore motho eo o mo shebile; yaba le yena o mo hoboletse mahlo, ba pheha kgobe ka lefifi.
Qhe! qhe! qhe! qhe! qhe! fensetere ya lla. Kgama a tlolela hodimo ha bohloko a sa tsebenthoeo a e etsang:"Heeeee! Ke tla o mula ha ke etswa mona, wena!"Hoo ho neng ho shatilefensetereng ha re, "Tswaa! Ke hlile ke batla o tle, retlo lwana! O etsa kgarebeee ya ka mosadi wa hao""Ke a hana. O a pota, Ha ke na ho tswa. O a lora. Ha se kgarebe ya hao ena. O a pota. Ke a hana. Ke tla o mula!"Nthwane ya se ke ya mo araba, yaba ho shatile, ho nyaretse ka tlung. Ho ne ho se ho hlokometse moo a neng a ntse a itlatlarietsa a le hona teng. Kgama yaba o ahlame, o mo tonetse mahlo;letswalo la haeka nakoeo e le lematla hoo ho neng ho se moo mmele wa hae o sa thothomeleng?
Bolela hore ke mofuta ofe wa karaburetso o sebedisitsweng qotsong.
Thuto eo re e fumanang bukeng ena, ke efe?
Sentebaleng o ile a tswa kotsi e jwang?
Tjhee, ke hantle. Ke tla mmona le nna. Ekaba Moloi o kae a ke a tlo mpalla lengolo lee.
Mmadipuo o a tswa mme ka mora metsotso e se mekae o kgutla le Moloi. Lengolo le a phunngwamme Moloio a lebala: Mme leNtate, kesa iphelela hantle mona. Keakgolwa le se le maketse ha lese le sa fumane letho le etswang ho nna mona. Tjhee, ha se ka hobane ke kula, empa e le ka mabaka ao le seng le tla a utlwa.
Ke ka maswabi ha ke le bolella hore ha re sa dula le Selemo. Ha ho sa thusa letho hore ke nne ke hlalosakake mabaka a entseng hona.
Empa re ne re se re sa phele ka kgotso hoo re ileng ra ba ra bona hore ho ka ba molemo ha re ka arohana. Ke a tseba hona ho tla le utlwisa bohloko, hobane le tla nahana hore ke mahlomoleng. Empa ha ho jwalo. Ke hona ke tswileng mahlomoleng jwale. Ka hoo he ke le kopa hore le se ke la hlora - le tla be le hlorelang athe rona beng ba ditaba ha re a hlora?
Re bolelle mahlomola ao banyalaniba teanang le ona lenyalong. Ka ntlha tse PEDI.
Na batswadi ba a rata ha bana ba bona ba hlolwa ke manyalo Araba Ee kapa Tjhee mme o Tiise karabo ya hao?
Bana ba angwa jwang ke karohano ya batswadi. Fana ka ntlha tse THARO.
Ke hobaneng ho le bohlokwa hore banyalani balauwe mohla lenyalo?
Hoba dintho tse etsahalang ka hlahlobong, ngwaneso, ke tse ding le tsona. O a kena mme o simollaho lwana, hobane ke ntwa ya nnetennete. Ha dipotso di shebane le wena mohlomong o a bososela, hobaneo tsebayona palo e hlokehangfeela. Mohlomong ho lefifi, ho re tsho! Mofufutso o thunya phatleng mona le ha e le mariha, ho bata. Horeo yentle -le ha mohlomongo ne o iletengpeleo eso kene ka hlahlobong -o a thalatsa, o sheba kwana le kwana. Qetellong o a inehela.
Ke hobaneng ha mongodi a tshwantsha tlhahlobo le ntwa?
Ngola ntho tse THAROtseo mongodi a reng di a etsahala ka phaposingya tlhahlobo.
Ha ho thwe "o fetile tlhahlobo ya bophelo" ho bolelwa eng?
Mongodi o hlahisitse phapang ya boitshwaro pakeng tsa baithuti ba babedi phaposing ya tlhahlobo. Phapang ena e bakwa ke eng Hlalosa?
Ke ofe monyetla otliswang ke diphetoho tse teng dihlahlobongtsa kajeno ha di bapiswa le tsa kgale.
Ho "inehela" ke ho etsa jwang?
Hlalosa mefuta e latelang ya dipapadi.
Bohlokwa ba ho ruta ditshomosetjhabeng ke bofe?
Ho bontsha horetshomo e fihlile qetellong mopheti wa yona o sebedisa mantswe afe?
Ke ka baka lang ditshomo di etswa mantsiboya e seng motsheare, le hona ke bonkgono.?
Bapisa maelana a ho Kholomo A le ditlhaloso tse ho Kholomo B.
Ho ba mathe le leleme.
Ho hula ka falese.
Ho ja koto.
Kgele, ka batla ke wela!
A. Ho ba bothateng bo boholo.
B. Ho jela kapele.
C. Ho atamelana haholo hoo e mong a keke a phela ka ntle ho e mang.
D. Ho apara ha ntle.
E. Ho hlanya.
5.6.4 5.6.5 Monna eo e reng ha a bua, bana ba balehe. Ha o le Morwa tjee, metsi o a nka kae Kgomo tsa makeleketla tse jang jwang di bothile. Phutse la hara thota?
<fn>93023VMF2006.txt</fn>
15 di a hohela, boiqapelo bo hlwahlwa le bongodi bo tsotehang.
12 di a hohela, di tsamaelana le sehlooho lebongodi bo kgabane.
09 di a baleha, mosebetsi o kgotsofatsang.
06 ho boima ho latela dintlha ka botlalo.
15 Puo e balehang ebilee na le mokgabisopuo.
12 Puo e otlolohileng, tshebediso e ntle ya ditho tsa puo.
09 Puo e nang le diphoso empae baleha.
06 Puo e tletseng diphoso empa e baleha.
PUO 8 E be puo e hohelang mona le mane empa e rekisa thepa ho ya ka dipehelo tsa SABS Sebedisa puo e sa otlolohang.
Letsatsi la ho tswalwa Tulo ya ho tswalwa Batswadi ba hae . Moo mofu a neng a kena sekolo teng ho tloha sekolong se tlase ho ya boithutelong bo phahameng. Nalane ya ho hirwa le boemo. Dikatleho(mehlala) : phahamiso mosebetsing, seabo setjhabeng. Nako eo a kopaneng le lefu (letsatsi) le tsela eo a teaneng le lona. O siya leloko. Dintho tseo a tla hopolwa ka tsona, mantswe a kgothatso, mehlala: botho ba hae.
<fn>93023VQF2005.txt</fn>
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO, e leng A, B le C.
Araba potso e le NNGWE ho tswa karolong e nngwe le e nngwe.
Bala dipotso kaofela ka hloko pele o araba.
Nomora mosebetsi wa hao ka nepo.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng la yona le letjha.
Ngola moqoqo ka se le SENG sa dihlooho tse latelang.
Basadi kajeno ba etsa mesebetsi le dipapadi tseo ho neng ho thwe ke tsa banna. Hlahisa mefuta ya mesebetsi eno le dipapadi tseno, mme o qoqe o ntsha maikutlo a hao ka sena.
Banna ba hlekefetswang ke basadi ba bona ba tshaba ho tlaleha diketsahalo tsena sepoleseng. Ba itshireletsa ka hore molao o tshehetsa basadi mme ba fetolwa diphoqo ha ba tlaleha. Qoqa.
Le ha ranta e ntsee matlafala, ha se bohle ba kgonang horobala ba jele. Ho ka ba jwang ha mmuso o ka fa bohle ba sa sebetseng dipakana tsa dijo kgwedi le kgwedi Tebisa maikutlo a hao ka sena?
Na ebe mmuso o hata kwekwe mabapi le phumantsho ya pheko ya lefu lena la HIV /AIDS Ebe ke mosebetsi wa mmuso ho bona hore batho bohleba fumantshwa pheko, kapa motho ka mong o tlameha ho ipona hore o tswa jwang Ngola moqoqokgang ka ntlha ena?
Sebedisa setshwantsho sena se ka tlase ho hlalosa se etsahalang.
Ngola e le NNGWE feela ya ditema tse latelang. Bolelele ba tema kang bo se fete LEQEPHE ha ho ballwahlooho le qetelo ya tema moo e bang di hlokeha.
O hlokometse hore batho ba ntshatjotjo ho fumanadithendara tseitseng. Ngolla ya ka sehloohong lengolo ho mo tsebisa ka manyofonyofo ana.
Wena le bana beno le itherile ho etsetsa batswadi ba lona mokete wa teboho, le leboha kgodiso e ntle eo ba le fileng yona. Ngola puo eo o tla e tshetleha letsatsing leo.
Ngola puisano pakeng tsa batjhaba babediba eletsanang ka hore batjha ba tlameha ho itshwara jwang.
Kgetha tema e le NNGWE fela ho tse latelang. Bolelele bo se fete leqephe.
Ngola karete ya memo moo o memang basebetsimmoho le wena ho tla pulong ya lejwe la ntatao eo le mmolokileng selemong se fetileng. O se lebale sebaka, letsatsi le nako.
Phaposi eo o sebeletsang ho yona e tjhele lore! Ngola raporoto eoo tla e tshetlehela sepolesa horese kgone ho etsa diphuputso.
<fn>93023VQF2006.txt</fn>
Pampiri ena e na le karolo tse tharo A, B le C.
Araba potso e le NNGWE ho tswa karolong e nngwe le e nngwe.
Leka ho fihlella bolelele bo batlehang.
Ngola ka makgethe ka mongolo o bonahalang.
Ngola moqoqo o ka bang LEQEPHE LE HALOFO ho isaho a mabedi ka se seng sa dihlooho tse latelang.
Bophelo ke morabaraba.
Hoja ke na le matla a ho laola moruo wa naha.
Na lebollo le ntse le le bohlokwa mehleng ya kajeno?
Ebe ho fediswa ha kgalemo ka tshebediso ya thupa ho lebisa ho theoheng ha maemo a thuto dikolong tsa rona. A ke o lokodise maikutlo a hao tabeng ena. Sehloho sa hao e be "Ho fediswa ha kgalemo ka tshebediso ya thupa dikolong."
Hlahloba setshwantsho se latelang ebeo ngola moqoqo ka seoo hopolang hore se a etsahala kapa se etsahetse. Fana ka sehloho sa moqoqo wa hao.
Kgetha sehlooho se le SENGkarolong enamme o ngoletema eboletsweng. Bolele e be leqephe le le LENG ho. Bolele ba tema ka nngwe e be mantswe a (120 - 150).
Mmao o sebetsa Motsekapa ka hona o dula le kgaitsedi ya hao ya seng a fetohile. O tsamaya bosiu ka nako enngwehaa robale hae. Ngolla mmao lengolo o mo tsebise tsena.
Magauta: E se e le kgwedi ya botshelelaketsamaya ke theosakenyolosa toropong, ho batla mosebetsi, ke kgathetse jwale.
Mosele: Nnake, nna ke letseditse dibakeng tse mmalwa motseng ona wa rona, esitana le ditoropong tse ngatanyana Gauteng mona, empa ha ho nko ho tswa lamina...
Tswela pele ka puisano ena.
O molaodi wa khampani ya 'internet CafÃ©'. Bapatsa / phatlalatsa hore batho ba ka tla ithuta ho sebedisa khomputara, mme ka mora dikgwedi tse tharo ba tla fumantshwa mangolo ao ba ka a sebedisang ho fumana mosebetsi.
Malomao eo o neng o phela le yena o hlokahetse. Ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuari) tse tla balwa ka lepato.
<fn>Act1_2004_Annex FS Init School Ses after comment.txt</fn>
Ho tlameha hore ho be le bopaki ba setifikeiti sa tswalo kapa bukana ya boitsebiso e bolelang hore motho ya tlo bolotswa ya kopelwang tumello o na le bonnyane ba dilemo tse 18, kapa ebang batswadi ba hae ba entse kopo e tobileng, ebe o dilemo tse laetsweng.
Batswadi ba tlamehile ho nehelana ka tumello ya motho ya tlo bolotswa ya ka tlase ho dilemo tse 18.
Motho ya tlo bolotswa o tlameha ho etswa hlahlobo ya bongaka pele a bolotswa, ke mosebeletsi wa bongaka kapa mooki wa tlhokomelo ya mantlha ya bophelo bo botle. Setifikeiti sa bongaka se itshetlehileng hlahlobong e entsweng ke mosebeletsi wa bongaka se tlameha ho bontsha hore motho ya tlo bolotswa o loketse ho ka bolotswa na, le hore hara tse ding ngaka ile a hlokomela nalane ya bongaka ya motho ya tlo bolotswa na.
Ngaka ya setso mme e tla etsa seo sebakeng se tlasa taolo ya setso, e tlamehile ho tsebisa borena.
Moo ngaka ya setso e hlokang boiphihlelo ba ho bolotsa hoya ka ditaelo, e tlameha ho bolotsa tlasa bookamedi ba ngaka ya setso e nang le boiphihlelo.
Sesebediswa se sebediswang ho bolotsa moshemane kapa ngwanana ya Mophatong ha se a tlameha ho sebediswa hape ha ho bolotswa moshemane kapa ngwanana e mong.
Ngaka ya setso e tlamehile ho sebedisa disebediswa tse nehetsweng kapa tse laetsweng ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ebang ngaka ya setso e tla bolotsa hangata empa e se na disebediswa tse lekaneng.
Ngaka ya setso kamehla e tlamehile ho boloka disebediswa tsa polotso di hlwekile pele ho polotso, mme e sebedise seo ho latela ditaelo tsa Mohlanka wa Bongaka wa Setereke hore se bolaye dikokwanahloko.
Kamehla ngaka ya setso e tlamehile ho sebedisana le Mohlanka wa Bongaka wa Setereke mabapi le keletso kapa qeto efe kapa efe e etswang ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ho ya ka matla a hae a Molaong ona.
Ngaka ya setso e o lokela ho ba le rejistara e bontshang mabitso, matsatsi ao e amohetseng bashemane kapa banana ba Mophatong ka ona, le hore polotso e entswe neng, mmoho le hore moshemane kapa ngwanana ya Mophatong o qetelletse ho dula le yona neng.
Le ka mohla ngaka ya setso ha e a tlameha ho otla bashemane kapa banana ba Mophatong.
Motswadi wa moshemane kapa ngwanana ya lebang Mophatong o tlamehile ho hlalosetswa dikahare tsa Sehlomathiso sena.
Nna, , ngaka ya setso, mona ke amohela le ho dumellana le dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa A mme ke itlama ho neha Mohlanka wa Bongaka wa Setereke bopaki mabapi le ho ikamahanya le dipehelo tse ka hodimo ho eso fete kgwedi ho tloha letsatsing le boletsweng ka tlase.
Nna, , Mohlanka wa Bongaka wa Setereke, mona ke tiisa hore dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa A di hlaloseditswe ngaka ya setso ka puo ya semmuso eo a e utlwisisang.
Mohlanka wa Bongaka wa Setereke o na le matla a ho kgeloha tshebedisong ya disebediswa tsa setso tsa tsheho ya bongaka moo feela ho nang le matshwao a pele a ho petla kapa boemo bo bong bo amanang le tsa bophelo bo botle mme a pheelle tshebediso ya disebediswa tsa tsheho ya bongaka.
Ngaka ya setso e tlamehile ho dumella Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ho etela Mophatong nako e nngwe le e nngwe le kgafetsa kamoo Mohlanka wa Bongaka wa Setereke a bonang ho hlokahala kateng, hore a hlahlobe boemo ba bophelo bo botle le hore bashemane kapa banana ba Mophatong ba phetse hantle na.
Ngaka ya setso e tlamehile ho dumella moshemane kapa ngwanana ya Mophatong ho fumana metsi a lekaneng bonyane matsatsi a robedi kamora polotso ho thibela hore a se fellwe ke metsi mmeleng.
Ngaka ya setso ha e a tlameha ho beha moshemane kapa ngwanana ya Mophatong kotsing efe kapa efe mme e tla tsamaisa Mophato ka tlhokomelo e kgolo.
Ngaka ya setso e tlamehile ho tlaleha matshwao afe kapa afe a ho kula ha moshemane kapa ngwanana ya Mophatong ho Mohlanka wa Bongaka wa Setereke kapele kamoo ho kgonehang kateng.
Matsatsing a pele a robedi a polotso, ngaka ya setso e tlamehile ho ba mmoho le bashemane kapa banana Mophatong dihoreng tse 24 ka letsatsi, mme kamora matsatsi a robedi a polotso, e tlameha ho fumaneha ha bashemane kapa banana ba e hloka, mme seo ka dinako tse ding se ka bolela ho fapoha mekgweng ya setso.
Mohlanka wa Bongaka wa Setereke o na le matla a ho laela le ho nehelana ka mohato ofe kapa ofe mokgahlelong ofe kapa ofe wa polotso oo a nahanang hore o bohlokwa le ho ba molemong wa boemo ba bophelo bo botle ba moshemane kapa ngwanana ya Mophatong, mme mohato o jwalo ka dinako tse ding o ka kenyeletsa ho fapoha mekgweng ya setso.
Ngaka ya setso kamehla e tlamehile ho sebedisana le Mohlanka wa Bongaka wa Setereke mabapi le keletso kapa qeto efe kapa efe e etswang ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ho ya ka matla a hae a Molaong ona.
Nna, , ngaka ya setso, mona ke amohela le ho dumellana le dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa B mme ke itlama ho neha Mohlanka wa Bongaka wa Setereke bopaki mabapi le ho ikamahanya le dipehelo tse ka hodimo ho eso fete kgwedi ho tloha letsatsing le boletsweng ka tlase.
Nna, , Mohlanka wa Bongaka wa Setereke, mona ke tiisa hore dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa B di hlaloseditswe ngaka ya setso ka puo ya semmuso eo a e utlwisisang.
Nna, Nomoro ya bukana ya boitsebiso ... Aterese ya bodulo...
ke amohela hore ke utlwisisa dipehelo tsa ho fumana tumello ya ho bolotsa le dipehelo tsa ho fumana tumello ya ho hloma Mophato kapa ho alafa bashemane kapa banana ba Mophatong, le hore ke dipehelo dife tse tlamang ngaka ya setso; mme ke dumella ngwanaka ho leba Mophatong le hore a bolotswe.
Nna, Nomoro ya bukana ya boitsebiso ..., Aterese ya bodulo...
ke amohela hore ke utlwisisa dipehelo tsa ho fumana tumello ya ho bolotsa le dipehelo tsa ho fumana tumello ya ho hloma Mophato kapa ho alafa bashemane kapa banana ba Mophatong, le hore ke dipehelo dife tse tlamang ngaka ya setso; mme ke dumela ho leba Mophatong le ho bolotswa.
<fn>Act1_2004_FS Init Sotho after comment.txt</fn>
Ho etsa hore ho be le tlhokomelo ya maemo a bophelo bo botle Mephatong; ho etsa hore ho nehelanwe ka tumello ya ho bolotsa le ya ho hlongwa ha Mophato; le ho shebana le dintlha tse tla amanang le tsena.
Sengolwa sa Senyesemane se ananetswe le ho saenelwa ke Tonakgolo.
SLP" ho bolelwa Setho sa Lekgotla la Phethahatso se ikarabellang ho tsa Bophelo 25 bo Botle Provenseng; mme tumello" ho bolelwa tumello e sebopehong sa tokomane e hlalositsweng Dihlomathisong tsa A le B, tse ntshitsweng ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ho ya ka dintlha tsa karolo ya 8 (a).
Ha ho motho ya dumelletsweng ho hloma Mophato kapa hona ho alafa bashemane kapa babana ntle le ho etsa kopo ya ho fumana tumello e ngotsweng e tswang ho Mohlanka wa Bongaka wa Setereke seo Mophato o tlang ho hlongwa ho sona kapa seo bashemane kapa banana ba tlang ho alafshwa ho sona. Ha feela e le hore karolwana ena ha e sebetse kalafong ya moshemane kapa ngwanana ya sepetlele kapa e etswang ke mosebeletsi wa bongaka.
e bopaki ba boiphihlelo le boitsebelo ba ho hloma Mophato.
Mohlanka wa Bongaka wa Setereke, kapa motho ya mo thusang o tlamehile ho bala ditlhoko tse behilweng foromong ya kopo ka puo ya semmuso e tlang ho utlwisiswa ke motho ya entseng kopo ya ho fumana tumello, mme sena se etsahale Mohlanka wa Bongaka wa Setereke a le teng.
Ngaka ya setso e etsang kopo ya ho hloma Mophato kapa ho alafa bashemane kapa banana e tlameha ho tlatsa tokomane e behilweng Sehlomathisong sa B se Sejuleng mme Mohlanka wa Bongaka wa Setereke le yena o tlameha ho saena ho tsebahatsa hore dipehelo tse kahare di hlaloseditswe ngaka ya setso ka bobatsi le ka puo ya semmuso eo a e utlwisisang.
Motswadi wa moshemane kapa ngwanana ya lebang Mophatong ya ka tlase ho dilemo tse 18, o tlameha ho tlatsa le ho saena foromo ya tumello e behilweng Sehlomathisong sa C.
Motswadi wa moshemane kapa ngwanana ya lebang Mophatong, hodima boikarabelo bo bong boo a nang le bona ho yena, o tlameha ho thusana le ho sebedisana hoya ka moo ho laetsweng kateng molemong wa bophelo bo botle ba moshemane kapa ngwanana.
Moshemane kapa ngwanana ya lebang Mophatong ya dilemo di 18 kapa ho feta mme a sa hloke tumello ya motswadi o tlameha ho tlatsa le ho saena foromo ya tumello e behilweng Sehlomathisong sa D.
Ha ho motho, motswadi wa moshemane kapa ngwanana ya lokelang ho sitisa Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ha a phetha mesebetsi ya hae e tlasa Molao ona.
Bonnyane ba dilemo tsa bashemane kapa banana ba lebang Mophatong bo be kamoo ho laetsewng kateng.
Bashemane kapa banana bohle ba lebang Mophatong ba tlameha ho ba le tlaleho ya bongaka e mabapi le boemo ba bona ba bophelo bo botle e sa feteng matsatsi a 30 foromong e laetsweng e tswang ho mooki wa tlhokomelo ya mantlha ya bophelo bo botle kapa ho mosebeletsi wa bongaka pele a amohelwa Mophatong.
Ke tlolo ya molao ho amohela moshemane kapa ngwanana Mophatong ntle le tumello ya hae kapa ya motswadi wa hae.
Nako ya Mophato ha e a lokela ho feta dikgwedi tse pedi.
Moshemane kapa ngwanana ya Mophatong ha a lokela ho alafa e mong ha 15 ba ntse ba le Mophatong le kamora Mophato.
Moshemane kapa ngwanana ya Mophatong a ka alafshwa feela ke ngaka ya setso, mosebeletsi wa bongaka, Mohlanka wa Bongaka wa Setereke kapa motho e mong ya dumelletsweng ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke.
Ha ho ngaka ya setso e lokelang ho bolotsa Provenseng ntle le tumello e ngotsweng e tswang ho Mohlanka wa Bongaka wa Setereke seo polotso e tlang ho etsetswa ho sona. Ha feela e le hore karolwana ena ha e sebetse kalafong ya moshemane kapa ngwanana ya sepetlele kapa e etswang ke mosebeletsi wa bongaka.
a Ngaka ya setso e tlameha ho etsa kopo ya ho bolotsa ho ya kamoo ho laetsweng kateng mme tumello e jwalo e ka nehelwa feela ebang a ikamahantse le dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa A.
(i)thibela tshebediso ya sesebediswa sa tsheho ya bongaka seo ngaka ya setso e ikemiseditseng ho se sebedisa; mme ii laela kapa a nehelana ka sesebediswa se loketseng sa tsheho ya bongaka ebang sesebediswa se jwalo se thibetswe ho ya ka 40 dintlha tsa seratswana sa (i).
c Moo ho laetsweng kapa ho nehelanweng ka sesebediswa se loketseng sa tsheho ya bongaka ho ya ka dintlha tsa serapa sa bii, Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ya ikarabellang kapa motho e mong ya dumelletsweng ke yena o tlameha ho bontsha kapa ho rupella ngaka ya setso mabapi le tshebediso ya sesebediswa sena.
d Mohlanka wa Bongaka wa Setereke kapa motho e mong ya mo thusang, o tlameha ho bala dipehelo ka puo ya semmuso e utlwisiswang ke ngaka ya setso e etsang kopo ya tumello.
wa Bongaka wa Setereke ba tlameha ho tlatsa tokomane e kentseng dipehelo tse behilweng Sehlomathisong sa A.
pele ho feta kgwedi ho tloha letsatsing leo a entseng kopo ka lona, mme ha a hloleha kopo ya hae e ke ke ya atleha.
wa Bongaka wa Setereke ya ikarabellang, mme dipehelo tsa Molao ona di tla sebetsa jwalokaha e ka kopo ya tumello e etswa lekgetlo la pele.
Nako ya tshebetso ya tumello e nehetsweng ho latela dintlha tsa Molao ona e tla ba ka mokgwa o laetsweng.
sebetsa ho fihlela kopo e sebeditswe.
d ho ntsha taelo ya ho kwalwa ha Mophato ebang Mophato o sa ikobele dipehelo tsa Molao ona.
Mohlanka wa Bongaka wa Setereke o na le tokelo ya ho kena setsheng sefe kapa sefe kapa ketsahalong eo ho yona polotso e etswang kapa moo moshemane kapa ngwanana a alafshwang teng.
SLP se tlamehile ho ngola lengolo le kgethang bonnyane Mohlanka wa Bophelo bo Botle ba Tikoloho a le mong seterekeng ka seng ho ba mohlahlobi wa Mephato.
Disebediswa tse tlo sebedisetswa polotso di bolokwe, di lokiswe le ho sebediswa ka tsela e sa tlo beha bashemane kapa banana ba Mophatong kotsing ya temalo, mahloko kapa lefu.
Motho ya tlolang dipehelo tsa dikarolo tsa 2 , 3 le 5 o molato mme o tla ahlolwa tjhelete kapa a kwallwe tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse 35 tsheletseng.
Motho ya tlolang dipehelo tsa karolo ya 61 o molato wa ho tlola molao mme o tla nehwa kotlo ya tjhelete kapa a kwallwe tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse leshome, kapa a kwallwe tjhankaneng dilemo tse hlano ntle le boikgethelo ba ho fumana kotlo ya tjhelete.
Mokopi ya batlang ho hloma Mophato kapa ho alafa bashemane kapa banana Mophatong le ho ba bolotsa a ka etsa boipiletso ho Hlooho ya Lefapha ebang a sa kgotsofatswa ke qeto e entsweng ke Mohlanka wa Bongaka wa Setereke ho ya ka dikarolo tsa 2 le 6.
Boipiletso bo tlamehile ho etswa matsatsing a 30 kamora ho tsebiswa ka qeto ya Mohlanka wa Bongaka wa Setereke.
Boipiletso bo itshetlehile hodima eng.
Hlooho ya Lefapha e tlameha ho araba matsatsing a 14 kamora kamohelo yaboipiletso mme ya etsang boipiletso o tlameha ho tsebiswa ka sephetho.
SLP se ka etsa melawana mabapi le ntlha efe kapa efe eo ho ya ka yena e ka hlokehang hore ho fihlellwe maikemisetso a Molao ona.
Molao ona o bitswa Molao wa Bophelo bo Botle o Mabapi le Mophato Freistata, 2004.
<fn>Committees of Parliament Sesotho.txt</fn>
<fn>ConstitutionalCourt. Constitution(2009).2010-10-13.st.txt</fn>
Shejulu ya 1A e kentswe ke s.
Shejulu ya 6A e kentswe ke s.
Shejulu ya 6B, eo nakong ya ho feta e neng e le 6A, e kentswe ke Molao wa Tokiso ya Borobedi ya Molaotheo wa 2002, ya fuwa nomoro e ntjha ke s.6 ya Molao wa Tokiso ya Leshome ya Molaotheo wa 2003 mme ya fediswa ke s.
Re kgolwa hore Aforika Borwa ke naha ya bohle ba phelang ho yona, re kopane le ha re fapane.
Mmuso e nang le boikemelo hara matjhaba.
Nkosi Sikelel'iAforika. Morena boloka setjhaba sa heso.
God seÃ«n Suid-Aforika. God bless South Africa.
Mudzimu fhaÅ£utshedza Afurika. Hosi katekisa Aforika.
Seriti sa botho, katleho ya tekano le tswelopele ya ditokelo tsa botho le bolokolohi.
Ho se kgetholle ho ya ka morabe le bong.
Bookamedi ba Molaotheo le taolo ya molao.
Kgetho e akaretsang ya batho ba baholo, lenane la naha la kgetho, dikgetho tsa kamehla le tsamaiso ya mekga e mengata ya mmuso wa demokerasi, ho kgothaletsa boikarabelo, ho tsotella le ho hloka sephiri.
Molaotheo ona o okametse melao yohle ya Riphaboliki; molao kapa boitshwaro bo sa dumellaneng le Molaotheo ha o a loka, mme ditshwanelo tseo o di behang di lokela ho phethwa.
Ho na le Boahi ba Aforika Borwa bo tshwanang.
lekana ka mesebetsi le boikarabelo ba baahi.
Pina ya setjhaba ya Riphaboliki e taolong ya Mopresidente ka phatlalatso/kgoeletso.
Folakga ya naha ya Riphaboliki e mebala e motsho, motala, mmala wa kgauta, mosweu, mokgubedu le moputswa, jwaloka ha e hlalositswe ya ba ya takwa Shejulung ya 1.
(1) Dipuo tsa semmuso tsa Riphaboliki ke Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Aforikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu.
Ho elelletswe ho qepha ha tshebediso ya puo tsa batho ba rona dilemong tse fetileng le maemo a tsona, mmuso o tlameha ho nka mehato ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena.
(a) Mebuso ya naha le ya diprofense e ka sebedisa dipuo tse itseng tsa semmuso mererong ya mmuso, ho hlokometswe tshebediso, maemo a ditaba, ditjeho, maemo mabatoweng, le tekanyo ya ditlhoko le boikgethelo ba baahi boohle kapa profenseng e amehang; empa mmuso wa naha le mmuso wa profense kang e lokela ho ba le bonyane puo tse pedi tsa semmuso.
Bomasepala ba tlameha ho hlokomela tshebediso ya puo le boikgethelo ba baahi ba bona.
Mebuso ya naha le ya diprofense, ka ketsamolao le maemo, e lokela ho laola le ho hlokomela tshebediso ya dipuo tsa semmuso. Re sa kgelohe dipehelong tsa molawana wa (2), dipuo tsoohle tsa semmuso di lokela ho lekana ka maemo mme di tshwarwe ka ho lekana.
puo ya dimumu.
Searabia, Seheberu, Sesanskriti le dipuo tse ding tse sebedisetswang mabaka a sedumedi Aforika Borwa.
Bili ena ya Ditokelo ke tshiya ya demokerasi mona Aforika Borwa. E boloka ditokelo tsa batho boohle naheng ya rona, ebile e amohela melemo ya demokerasi ya seriti sa botho, tekano le tokoloho.
Mmuso o lokela ho hlompha, ho sireletsa, ho kgothelletsa le ho phethahatsa ditokelo tse Biling ena ya Ditokelo.
Ditokelo tse Biling ena ya Ditokelo di tlamehile ho ikamahanya le meedi e teng kapa e lebisitsweng ho molawana wa 36, kapa tse boletsweng nqe nngwe Biling.
Bili ya Ditokelo e sebetsa melaong yoohle, mme e tlama ketsamolao, lekgotla la phethahatso, baahlodi le ditho tsoohle tsa naha.
Pehelo e Biling ya Ditokelo e tlama batho le batho molaong, ha feela ho tshwaneleha, ha ho tadingwa sebopeho sa tokelo le ho tlameha ho beilweng ke tokelo.
dipehelo tsa molawana wa 36(1).
(4) Batho ba molaong ba lokelwa ke ditokelo tse Biling ya Ditokelo ho ya ka moo ho hlokehang kateng ka ditokelo le sebopeho sa motho ya molaong.
Tekano e kenyeletsa ho sebediswa le ho lekana ha ditokelo tsoohle tse le bolokolohi. Ho ntshetsa pele katleho ya tekano, ho etswa ha molao le mekgwa e meng ya ho sireletsa kapa ho tswellisa batho pele, kapa mekga ya batho, ba leng morao ka lebaka la kgethollo e sa lokang e ka phethwang.
(3) Mmuso o se kgetholle mang kapa mang ka baka la botjhaba, bong, botona le botshehadi, boimana, lenyalo, morabe kapa mofuta, mmala, motho wa bong bo bong, dilemo, bohole, bodumedi, monahano o itseng, tumelo, setso, puo, le tswalo.
(4) Ho se be le motho ya kgethollang e mong ka lebaka lefe kapa lefe ho ya ka pehelo ya molawana wa (3). Molao o thehilweng o sebediswe ho thibela kapa ho phema ho hloka toka.
(5) Kgethollo ka labaka kapa mabaka a ngotsweng molawaneng wa (3) ha e a loka ho fihlela ho ka fumanwa bonnete ba hore kgethollo e lokile.
hlomphuwe se be se sireletswe.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela.
(c) le ho se sebediswe diphuputsong tsa kalafi kapa saense ntle ho tumello ya hae.
Ha ho motho ya lokelang ho etswa lekgoba, mohlanka/lekgabunyane kapa ho sebediswa ka qobello.
(d) ho se be le ho mamela ha motho a bua le ba bang ka tsela ya kgokahanyo.
(c) batho ba tla ka ntle ho qobello ka ho ithaopa.
latelwang ke batho ba bodumedi bo itseng.
(b) Ho amohela ho latela temana ya (a) e tsepame hodima le molawana ona le dipehelo tse ding tsa Molaotheo.
kgothalletsa ho baka kotsi.
Motho e mong le mong o na le tokelo, ya ho bokana ka kgotso le ba bang, a sa hlomela, ho etsa mekoloko ya boipelaetso , le ho nehelana ka diphethishene.
Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba kamano le mekgatlo.
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho kenela dikgetho tse se nang dithibelo, tse sa kgetheng, tse etswang nako le nako tsa ho etswa ha molao o thehilweng ka Molaotheo.
Ha ho moahi ya ka amohuwang boahi ba hae.
(2) Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho falla Riphaboliking.
(3) Moahi e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho kena, a dula, a bile a aha hohle Riphaboliking.
(4) Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le paseporoto.
botsebi. Tshebetso ya kgwebo, mesebetsi kapa botsebi e ka laolwa ka molao.
(c) ho ngala mosebetsi.
(b) ho kenela merero le mesebetsi ya mokgatlo wa boramosebetsi.
(d) ho theha le ho ba setho sa federeishene.
Mokgatlo o mong le o mong wa basebetsi, mokgatlo wa boramesebetsi le ramosebetsi ba na le tokelo ya ho buisana e le sehlopha. Lekgotla le etsang molao la Naha le ka sebetsa ka molao hore le laole puisano tsa sehlopha. Ho fihlela maemong ao e leng hore molao o entsweng o ka kgina tumellano Kgaolong ena, ho kginwa ho dumellane le karolo ya 36(1).
(6) Lekgotla le etsang molao la Naha le ka amohela ditlhophiso tsa tshireletso tsa mokgatlo wa basebetsi jwalo ka ha e jerwe ditumellanong tsa dipuisano tsa sehlopha. Ho fihlela maemong ao e leng hore molao o entsweng o ka kgina tumellano Kgaolong ena, ho kginwa ho dumellane le karolo ya 36(1).
moruo le phedisano.
ke bao ba amehang kapa nahanelwang kapa ba amohetswe ke lekgotla.
(e) sepheo sa ho nka leruo leo.
(b) leruo ha le felle maemong a naha feela.
(5) Mmuso e lokela ho etsa matsapa oohle a molao o etswang le mekutu e meng, maemong a teng a mehlodi, ho kgothaletsa maemo a dumellang, baahi ba fihlelle naha ka ho lekana.
(6) Motho kapa setjhabana seo ho tshwareng ha sona naha ho sa lokang ho ya ka molao ka lebaka la melao ya maobeng ya kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo e lokela, jwalo ka ha e behetswe Molao wa Palamente, ekaba ka ho tshwara naha eo e sireleditsweng ka molao, kapa ka ho kgutlisetsa ho lekanang.
(7) Motho kapa setjhabana se amohilweng naha ya sona ka mora 19 Phupjane 1913 ka lebaka la melao ya dilemo tse fetileng tsa kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo, o na le hona ho ka tshwara naha, jwalo ka ha ho behetswe Molaong wa Palamente, hoo ho dumelletsweng ka molao, kapa ya kgutlisetswa ho monga yona.
(8) Ho se be le pehelo efe kapa efe ya molawana ona e ka sitisang Mmuso ho ka sebetsa ka molao o etswang ho fumana naha, metsi le diphetoho tse ding tse tsamaelanang le tseo, e le ho lokisa bophelo ba kgethollo e fetileng ya mmala, ha feela ho ke ke ha sebetswa ka dipehelo tsa karolo ena di itshetlehile hodima dipehelo tsa karolo ya 36 (1).
(9) Palamente e tlameha ho phethisa molao oo ho lebisitsweng ho ona dikarolong tsa (6).
Mmuso o lokela ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka matsapa a mang, ho ya ka matla a teng, ho fihlella tokelo ena ya tswelopele.
(3) Ho se ke ha eba le motho ya ka ntshwang ka sheshe lapeng la hae, kapa eo lalapa la hae la heletswa, ka ntle ho taelo ya lekgotla ka mora hoba lekgotla le hlahlobisise mabaka oohle. Ho se be le molao o dumellang ho lelekwa ntle ho lebaka.
(c) tshireletso ya phedisano, ho kenyeletswa thuso e lokelang ya phedisano, ha eba ba sitwa ho iphedisa le bohle ba matleng a hae.
(2) Mmuso o tlamehile ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka matsapa, ho ya ka matla a teng, ho fihlella maemo a ditokelo tsena.
(3) Ho se be le motho ya hanelwang phekolo nakong ya tshohanyetso.
(2) Ditabatabelo tsa ngwana ke tsa bohlokwa mererong yohle e tadimaneng le yena ke tsona.
(3) Karolong ena, ha ho buuwa ka"ngwana" ho bolelwa motho eo dilemo tsa hae di leng ka tlase ho tse18.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa dipuo tseo ba ikgethelang tsona mekgatlong ya thuto ya setjhaba thutong eo e ka sebediswang teng.
(4) Karolwana ya (3) ha e kgetholle ditshehetso tsa Mmuso tsa mekgatlo ya thuto e ikemetseng.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebedisa puo le ho phela ka setso seo a ikgethetseng sona, empa ha ho motho ya etsang jwalo a sa latele dipehelo tsa Bili ya Ditokelo.
(2) Ditshwanelo karolwaneng ya (1) di ke ke tsa sebediswa ka tsela eo e sa tsamaelaneng le pehelo ya Bili ya Ditokelo.
2 Ho etswa ha molao wa naha ho sebediswe hore ho tle ho phethahatswe ditshwanelo tsena, mme o fane ka ditsela tse ka imollang morwalo wa taolo le tjhelete Mmusong.
(2) Motho e mong le e mong eo ditshwanelo tsa hae di amehileng ka lebaka la ketsahalo ya botsamaisi o na le tokelo ya ho fumana mabaka a ngotsweng.
(c) ho kgothalletsa taolo e matla.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le tletlebo e ka rarollwang ka molao ka pela bohle lekgotleng kapa, moo ho lokelang, ho ka ba le lekgotla kapa kopano e nngwe e ikemetseng e sa sebetse ka leeme.
(iv) ngaka ya boikgethelo.
Ka mehla ha karolo ena e kgothaletsa hore motho a fumane tsebiso, tsebiso eo e behwe ka puo eo motho eo a e utlwisisang.
(5) Bopaki bofe kapa bofe bo fumanweng ka mokgwa o kgahlanong le tokelo efe kapa efe e ngotsweng Biling ya Ditshwanelo bo lokelwa ho qhelelwa thoko ha eba ha bo ka amohelwa bo ka tshwaetsa kahlolo ka tsela efe kapa efe kapa ba hlahella bo le kotsi tsamaisong ya toka.
(2) Ka ntle ha eba ho boletswe karolwaneng ya (1) kapa pehelong efe kapa efe ya Molao wa Motheo, ho se be molao o sehelang tokelo efe kapa efe moedi e ngotsweng Biling ya Ditshwanelo.
Naha se nka qeto ya ho lelefatsa kgoeletso.
maemo a qomatsi e seng ho feta dikgwedi tse tharo ka nako e le nngwe.
tsheheditsweng ke boholo ba ditho tsa Seboka.
amohetsweng ka thuso ya kgetho ya bonyane diphesente tse 60 ya ditho tsa Seboka.
ile ha buisanwa pepeneneng Sebokeng.
teng ho phethwa.
lenane la 3 ya lenaneo.
Mabapi le karolwana ya (1) (d), (1) (e); ditokelo temaneng ya (i) le (ii) ya karolwana ya (1) (g); le karolwana ya (1) (i) mabapi le bana ba dilemo tse 15 le ba ka tlase ka dilemo.
Ditokelo temaneng tsa (a) ho fihlela ho (o) tsa karolwana ya (3), ho sa kenyeletswe temana ya (d) karolwana ya (4); le karolwana ya (5) mabapi le ho se kenngwe ha bopaki ha eba tumello ya bopaki boo bo ka kgotla ho ye ka leeme.
kapelepele ka moo ho ka kgonahalang ka teng, hore motho eo o kgolehong.
tshwerweng ka ona.
kgonahala, ke ngaka.
kgonahala ke leqwetha.
ka ntle ha eba ho a hlokeha ho boloka kgotso le botsitso ha a ntse a le kgolehong.
eba ho lokela ho mo kwalla ho boloka kgotso le botsitso.
etse kopo e kgahlanong le ho holehwa ha hae hape.
ao bonyane matsatsi a mabedi pele lekgotla le lekodisisa kgoleho eo.
Ha lekgotla le lokolla motshwaruwa, motho eo a ke ke a boela a tshwarwa hape ka lebaka la mabaka ona ao ka ntle ha eba Mmuso o ka bontsha ka mabaka a utlwahalang hore motho eo a boele a kwallwe hape.
(8) Dikarolwana tsa (6) le (7) ha di sebetse bakeng sa batho bao e seng baahi ba Riphaboliki mme ba tshwerweng ka lebaka la dibetsa tsa ntwa tsa matjhaba. Feela Mmuso o lokela ho itshetleha ka dipehelo tsa molao wa matjhaba wa botho ho batho bao.
ho ya lekgotleng le tshwanelehileng, a tlaleha ka hore tokelo e hlahellang Biling ya Ditokelo e robilwe kapa ha e a loka, mme lekgotla le ka thusa ka tharollo e lokelang, ho ballwa le kgoeletso ya ditokelo.
(e) mokgatlo o emelang ditabatabelo tsa ditho tsa oona.
(2) Ha ho hlaloswa molao o etswang, le ha ho ntshetswa pele molao kapa molao wa setso, lekgotla le leng le le leng, pitso kapa seboka le lokela ho kgothalletsa maikutlo, sepheo, le maikemisetso a Bili ya Ditokelo.
(3) Bili ya Ditokelo ha e thibele boteng ba ditokelo tse ding kapa bolokolohi bo bong bo ananelwang kapa bo beilweng hodima molao wa setso, kapa molao o etswang, ho fihlela moo di seng di sa tsamaelane le Bili ya Ditokelo.
(2) Makala oohle a mmuso a lokela ho hlokomela le ho ikamahanya le metheo e Kgaolong ena, mme e sebetse ho ya ka meedi e sehilweng ya Kgaolo ena.
dikamano tsa nyalano ya mebuso.
pakeng tsa mebuso.
Lekala la Mmuso le amehang qhwebeshanong e pakeng tsa mebuso, le leke ka matla ho fedisa qhwebeshano ka mekgwa le ditsamaiso tse behetsweng sepheo sena; mme le fuputse metjha yohle ya ditharollo, pele le ka ya lekgotleng ho rarolla qaka ena.
Ha lekgotla le sa kgotsofala hore ditlhoko tsa karolwana ya (3) di phethisitswe, le ka nna la busetsa qhwebeshano eo makaleng a amehang a mmuso.
(b) Lekgotla la Naha la Diporofense.
(2) Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diporofense di sebedisana ka ho etsa molao ka tsela e hlalositsweng Molaotheong.
(3) Seboka sa Naha se kgethilwe hore se emele batho le hore se hlokomele hore ho be le Mmuso wa Molaotheo. Hona ho etswa ka ho kgetha Mopresidente, ka ho fana ka seboka sa naha se tla hlokomela ditaba tsa setjhaba, ka ho fetisa molao le ho hlahloba le ho hlokomela mesebetsi ya phethahatso.
(4) Lekgotla la Naha la Diporofense le emela diporofense ho hlokomela ditabatabelo tsa diporofense makaleng a mmuso. Le etsa hona ka ho sebetsa ditsamaisong tsa ho etswa ha molao le ka ho theha seboka sa naha ho hlokomela ditaba tsa setjhaba tse amanang le diporofense.
(5) Mopresidente a ka bitsa Palamente neng kapa neng ho tla tshohla merero e kgethehileng.
(6) Palamente e tshwarelwa Motsekapa, empa Molao wa Palamente o phethiswang ho latela dikarolo tsa 76(1) le (5), ho ka nahanwa hore Palamente e tshwarelwe sebakeng se seng.
hlalosang ka teng.
(iii) ho nahana ka, ho latela karolo ya 75, molao ofe kapa ofe o fetisweng ke Seboka sa Naha.
(e) ho thibela ketsahalo e sa tlwaelehang e entswe ke porofense e nahanelang ditabatabelo tsa porofense e nngwe kapa naha yohle.
sebedisweng ka katleho ho ya ka mosebetsi o lenaneng la Shejulu ya 4, maikemisetsong oohle, molao o latelang morero o lenaneng la Shejulu ya 4.
e lokela ho sebetsa ho ya ka, le ho ya ka meedi e sehilweng, Molatheo.
(2) Ditho tsa Khabinete, ditho tsa Seboka sa Naha le baemedi Lekgotleng la Naha la Diporofense di na le menyetla le ditumelo komiting ya kopanelo ya Seboka le Lekgotla jwalo ka ha ba na le tsona Sebokeng kapa Lekgotleng la Seboka sa Naha.
Sebopeho le dikgetho.
(d) e tswalang, kakaretso, boemedi bo lekalekanang.
(2) Molao wa Palemente o fane ka mokgwa wa ho laola palo ya ditho tsa Seboka sa Naha.
Karolwana ya (1) e lokisitsweng ka s. 1 ya Molao wa Tokiso ya Leshome ya Molaotheo wa 2003 le s.
(e) mang kapa mang eo, ka mora hoba karolo ena e sebediswe, a fumanwe a le molato mme a ba a ahlolelwa tjhankaneng nako ya dikgwedi tse 12 a sa fuwe monyetla wa faene, e ka ba Riphaboliking, kapa ka ntle ho yona, ha eba ketso eo a e ahloletsweng e le tlolo ya molao ka hara Riphaboliki, empa, ho se be motho ya tadingwang jwalo ka motho ya seng a ahlotswe ho fihlela boipiletso ba hae kgahlanong le ho fumanwa a le molato le kahlolo ho phethw, kapa ho fihlela nako ya ho etsa boipiletso e fetile. Ho se amohelwe ho ya ka temana ena e fella ka mora dilemo tse hlano kahlolo e se e qetilwe.
kapa (b) e ka nna ya eba nkgetheng wa Seboka, ha feela a phethisa meedi le dipehelo tse ding tse hlomilweng ke lekgotla la ho etsa molao.
(c) a kgaotsa ho ba setho sa mokga o mo kgethileng ho ba setho sa Seboka, ntle le haeba setho seo se bile setho sa mokga o mong ho latela Shejulu 6A.
Karolwana ya (3) e hlakotsweng ka s. 2 ya Molao wa Tokiso ya Leshome ya Molaotheo wa 2003 le ka s.
(4) Dikgeo ha di hlahella Sebokeng sa Naha se tlatswe ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la ho etsa molao.
Kano kapa boitlamo.
ho itlamela botshepehi Riphaboliking le ho ikokobetseng ka tlasa Molaotheo, ho ya ka Shejulu ya 2.
(1) Seboka sa Naha se kgethelwa ho ba teng ka dilemo tse hlano.
(2) Ha Seboka sa Naha se qhalwa ho ya ka karolo ya 50, kapa ha se fela, Mopresidente, ka kgoeletso, o lokela hore a phatlalatse le ho bea letsatsi la dikgetho, le tlamehang ho tshwarwa matsatsing a 90 a mohla Seboka se qhadilweng ka ona, kapa nako ya sona e fetile.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
(3) Ha sephetho sa dikgetho tsa Seboka sa Naha se sa phatlalatswe ka nako e badilweng ho latela karolo ya 190 kapa ha dikgetho di ka tsa qhelelwa thoko ke lekgotla, Mopresidente, ka kgoeletso, o lokela ho phatlalatsa le ho bea mohla dikgetho, tse tlamehang ho tshwarawa matsatsing a 90 a ho feta ha nako eo kapa a mohlang oo dikgetho di ileng tsa beelwa ka thoko.
(4) Seboka sa Naha se dula se tshwanela ho sebetsa ho tloha ka nako eo se qhalaneng ka sona, kapa nako ya sona e feta, ho fihlela letsatsi pele ho letsatsi la pele la dikgetho la Seboka se seng.
(b) ho se ho fetile dilemo tse tharo Seboka se kgethilwe.
(b) ha Seboka se sa kgethe Mopresidente e motjha pele ho feta matsatsi a 30 ho tloha ha sekgeo se hlahile.
e itseng le ka letsatsi le beilweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molaotheo, empa e seng ka mora matsatsi a 14 a tsebiso ya sephetho sa dikgetho. Seboka sa Naha se ka ipehela nako le bolelele ba dikopano tse ding le dikano tsa kgefutso.
Karolwana ya (1) e hlakotsweng ka s.
(2) Mopresidente a ka nna a bitsa kopano ya Seboka sa Naha e ikgethileng neng kapa neng feela, ho tla tshohla merero e potlakileng.
Palamente feela ho ya ka ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa ho lokela, mme ha ho ngotswe melaong le ditaelong tsa Seboka.
(1) Kopanong ya pele ka mora dikgetho, kapa ha ho hlokeha ho tlatsa sekgeo, Seboka sa Naha se lokela ho kgetha Modulasetulo wa palamente le Motlatsi wa hae ho ditho tsa sona.
(2) Mopresidente wa Lekgotla la Molaotheo o lokela hore e be modulasetulo wa kopano e kgethang Modulasetulo wa palamente, kapa a thonye moahlodi e mong ho ba modulasetulo. Modulasetulo wa palamente e eba modulasetulo ha ho kgethwa Motlatsi wa modulasetulo wa palamente.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
(3) Tsamaiso e bolelwang Shejulung ya 3 e sebediswa ha ho kgethwa Modulasetulo wa palamente le Motlasi wa hae.
mosebetsing ka ho etsa qeto. Boholo ba ditho tsa Seboka bo lokela ho ba teng ha ho nkuwa qeto.
baduladitulo ba bang hore ba thusane le Modulasetulo wa palamente le Motlatsi wa hae.
(c) merero yoohle e tshohlwang ke Seboka e lokela ho lekolwa bongata ba dikgetho tse nkilweng.
(b) a ka etsa kgetho ya tharollo moo qeto e lokelang ho nkwa teng ka tshehetso ya dikgetho tsa pedi borarong tsa ditho.
ba ka nna ba ba teng dikopanong tsa Seboka, ba ba bua, empa ba se ke ba kgetha.
S. 54 e hlakotsweng ka S.
(b) qala kapa lokisetsa mela, ka ntle ho dibili tsa tjhelete.
(ii) lekala lefe kapa lefe la Mmuso.
(d) amohela dithapedi, boemedi kapa dipehelo tse tswang ho mang kapa mang ya mang ya nang le tjhesehelo.
(b) ho etsa melawana le ditaelo mabapi le mesebetsi, ho hlokometswe boemedi le ho sebetsa mmoho ka demokrasi, boikarabelo, pepeso le ho kenya letsoho ha setjhaba.
(d) kamohelo ya moetapele wa mokga o moholo wa kganyetso sebokeng jwalo ka Moetapele wa Kganyetso.
(ii) eng kapa eng e senotsweng ka lebaka la se di se buileng, sa hlahiswa pejana, kapa sa fetisetswa, Sebokeng kapa dikomiti dife kapa tsa sona.
S. 58 e hlakotsweng ka s.
(2) Ditshwanelo le diteballo tse ding tsa ditho tsa Seboka sa Naha, tsa ditho tsa Khabinete le ditho tsa Seboka di ka ballwa ke molao o etswang.
Krl.58 e lokisitswe ke krl.
(3) Meputso, ditumello le melemo e nehwang ditho tsa Seboka sa Naha, ke molato o tobaneng le Mokotla wa Matlotlo ka Makgetho wa Setjhaba.
(ii) ho etsa monyetla wa hore motho e mong le emong a setjhwe, mme moo ho loketseng teng, ho hanelwa ho kena, kapa ho tloswa ha, mang kapa mang.
(2) Seboka sa Naha se ke ke sa qhelela setjhaba ka thoko, ho kenyeletswa media, ha ho dutse komiti ntle le haeba ho e le ntho e utlwahalang mme e lokileng ho etsa jwalo pepeneneng le setjhabeng sa demokerasi.
Lekgotla la Naha la Diporofense krlw.
bopilweng ka baromelwa ba leshome ba tswang porofenseng ka nngwe.
(b) ditho tse tsheletseng tse sebetsang moo ka botlalo di thontswe ho latela dipehelo tsa karolo ya 61 (2).
(3) Tonakgolo ya porofense, kapa ha Tonakgolo a le siyo, setho se seng sa boromuwa ba porofense, se thontsweng ke Tonakgolo, se lokela ho etella baromuwa ba porofense pele.
baemedi hara baromuwa ba porofense eo ka mokgwa o ngotsweng Karolong ya B ya Shejulu ya 3.
ho thonngwe baromuwa ba ka mehla ho ya ka kgetho ya mekga.
(ii) ho thonngwe baromuwa ba ka mehla ho ya ka kgetho ya Menga.
Temana ya (b) e tlohetsweng ka S.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
(3) Lekgotla le etsang molao, le dumellana le Tonakgolo le baetapele ba mekga e nang le tokela ya ho ba le baromuwa ba kgethehileng Lekgotleng la Naha la Diporofense, le lokela ho thonya baromuwa ba kgethehileng hara ditho tsa lekgotla la molao, jwalo ka ha ho hlokahala ka nako le nako.
(4) Lekgotla le etsang molao, ha mmoho le Tonakgolo le baetapele ba mekga ba lokela ho fumana baemedi ba ikgethileng boemeding ba porofense, e lokela ho ba baemedi ba thontsweng, jwalo ka ha ho hlokeha ka mehla, ho tswa ho ditho tsa lekgotla le etsang molao.
ba setho sa lekgotla la porofense.
moromuwa wa ka mehla, motho eo o kgaotsa ho ba setho sa lekgotla le etsang molao.
hanghang peleho kopano ya pele ya lekgotla le etsang molao la porofense ka mora dikgetho tse hlahlamang.
Temana ya (b) e tlohetsweng ka S.
Karolwana ya (3) e hlakotsweng ka s. 2 ya Molao wa Tokiso ya Borobong ya Molaotheo wa 2002 le ka s.
(e) a le siyo Lekgotleng la Naha la Diporofense ka ntle ho tumellano mabakeng ao melao le ditaelo tsa Lekgotla di hlalosang ho se be setho e le moromuwa wa ka mehla.
(5) Dikgeo tse hlahang hara baromelwa ba ho ya, ho ile di lokela ho kwalwa ka mokgwa o bolelwang ke molaoketsuwa wa naha.
(6) Pele baromuwa ba ka mehla ba sebetsa Lekgotleng la Naha la Diporofense, ba lokela ho ikana kapa ho itlama hore ba tla tshepahala Riphaboliking ba be ba ikokobelletse Molaotheo, jwalo ka ha ho ngotswe Shejulung ya 2.
le dinako tsa kgefutso.
(2) Mopresidente a ka nna a bitsetsa Lekgotla la Naha la Diporofense kopanong e ka thoko neng kapa neng hore ho tshohla merero e kgethehileng.
(3) Dikopano tsa Lekgotla la Naha la Diporofense di dumelletswe ho ka tshwarelwa kae kapa kae ka ntle ho Palamenteng ka lebaka la ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa ho ho tshwaneleha, le ha ho ka ba le nehelano ho ya ka melao le ditaelo tsa Lekgotla.
ba modulasetulo hara baromuwa.
(2) Modulasetulo le e mong wa Motlatsi wa modulasetulo ba kgethwa hara baromuwa ba ka mehla mengwaha e mehlano ka ntle ha eba nako ya bona ya boromuwa e fela pele ho nako.
(3) Motlatsi wa modulasetulo e mong o kgethelwa selemo se le seng feela, mme o lokela ho hlahlangwa ke boromuwa ba porofense e nngwe, e le hore porofense ka nngwe e na le boemedi le yona.
(4) Mopresidente wa Lekgotla ka Molaotheo o lokela hore e be modulasetulo ha ho kgethwa Modulasetulo, kapa a thonye moahlodi e mong ho sebetsa jwalo.
modulasetulo ha ho kgethwa Batlatsi wa modulasetulo.
Karolwana ya s. (4) e tlohetsweng ka S.
Modulasetulo le Motlatsi wa modulasetulo.
maemong a hae.
(b) dipotso tsohle tseo ho buisanwang ka tsona Lekgotleng la Naha di a dumellwa ha bonyane diporofense tse hlano di kgethela kamohela ya tsona.
(2) Molao wa Palamente, o fetisitsweng ka mokgwa o hlaloswang karolong ya 76 (1) kapa (2), o lokela ho lokistetsa tsamaiso e tshwanang eo ka yona diporofense di nehang boromuwa ba tsona matla a ho ba kgethela.
Lekgotleng la Naha la Diporofense, empa ba ke ke ba kgetha.
(2) Lekgotla la Naha la Diporofense le ka kopa setho sa Khabinete, Motlatsi wa Letona kapa mosebeletsi wa mmuso lekgotleng la phethahatso la setjhaba la porofense ho ba teng kopanong ya Lekgotla kapa komiting ya Lekgotla.
Baemedi ba nakwana ba sa feteng leshome ba thontsweng ke mmuso o hlophisitsweng wa selehae, ho ya ka karolo ya 163, ho emela mafapha a mmasepala, ba ka kenya letsoho ha ho hlokeha dipuisanong tsa Lekgotla la Naha la Diporofense, empa ba ke ke ba kgetha.
(b) qapa kapa ho hlophisetsa molao o entsweng o ka sebediswang jwalo ka ha o ngotswe Shejulung ya 4 kapa molao o entsweng o mong oo ho bolelwang ka ona karolong ya 76 (3) , empa o ke ke wa qapa kapa wa hlophisa Dibili tsa tjhelete.
(d) amohela ditletlebo, boemedi kapa dipehelo tsa motho ofe kapa ofe ya nang le tjheseho.
(b) ho etsa melawana le ditaelo tse tobaneng le merero ya yona, ho ntse ho hlokometswe boemedi le ho kenya letsoho ka , demokrasi, boikarabelo, ho hlahisa ditaba pepeneneng le ho sebetsa setjhabeng.
(c) ho kenya letsoho ditsamaisong tsa Lekgotla, le dikomiting, le ho mekga yohle ya dipolotiki e menyenyane e emetsweng Lekgotleng, ka moo demokrasi e tshwanelang ho tsamaiswa ka teng, ha taba e tlamehile hore ho etswe qeto ka yona ho ya ka karolo ya 75.
(ii) ho senolotsweng ka lebaka la seo ba se boletseng, ba se hlahisitseng pejana, kapa ba faneng ka sona, Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona.
batho ba hlalositsweng dikarolong tsa 66 le 67, ba ka ballelwa ke Lekgotla le etsang molao la Naha.
(3) Meputso, ditlhapiso le melemo e lefuwang ditho tsa ka mehla tsa Lekgotla la Naha la Diporofense di tswa Letloleng la Makgetho a Setjhaba.
(ii) le be le lokisetse ho hlahlojwa mmeleng ha mang kapa mang, mme, ha ho hlokahala; ho hanela motho ho kena kapa ho mo ntsha dikopanong.
(1) Bili efe kapa efe e ka hlahiswa Sebokeng sa Naha.
(2) ke feela setho sa khabinete, kapa Motlatsi wa Letona, kapa setho, kapa komiti ya Seboka sa Naha, e ka hlahisang Bili ka Sebokeng; empa ka setho feela sa Khabinete se ikarabellang ho tsa ditjhelete tssa setjhaba se ka hlahisang Bili ya tjhelete Sebokeng.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
e hlalositsweng karolong ya 76 (3) , e ka hlahiswang Lekgotleng la Naha la Diporofense.
Karolwana ya (3) e hlakotsweng ka s.
Diporofense, ha eba e lokela ho tshohlwa ke Lekgotla; Bili e fetisitsweng ke Lekgotla e lokela ho lebiswa Sebokeng.
(b) Lekgotla la Naha la Diporofense, ka kgetho e tshehetsang ya bonyane diporofense tse tsheletseng.
(b) Lekgotla la Naha la Diporofensea, ka tshehetso ya kgetho ya dirpovense tse tsheletseng.
(iii) e fetola dipehelo tse sebetsanang le ditaba tsa porofense ka ho toba.
(4) Bili e fetolang Molaotheo e ke ke ya kenya dipehelo ka ntle ho diphetolo tsa Molaotheo le ditaba tse tsamaelanang le diphetoho.
(c) nehela, ho ya ka melawana le ditaelo tsa Lekgotla la Naha la Diporofense, dintlha tseo tsa Seboka hore di buisanwe, ha eba phetolo e sisintsweng ha se phetolo e hlokang ho fetiswa ke Lekgotla.
(b) ho ya ka diphetolo tseo ho builweng ka tsona karolwaneng ya (1), (2) kapa (3)(b), ho Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense ka ho beya ditaba Lekgotleng.
(a) ho hlahiswa ha yona, ha eba Seboka se dutse ha Bili e hlahiswa.
(b) ho tekwa ha yona Sebokeng, ha eba Seboka se phomotse ha Bili e hlahisitswe.
ya Bili, e ama porofense e itseng feela ya porofense kapa diporofense, Lekgotla la Naha la Diporofensele ke ke la fetisa Bili kapa karolo e nepahetseng ka ntle ha eba e amohetswe ke lekgotlale etsang molao kapa Makgotla a etsang molao a porofense kapa diporofense tse amehang.
(9) Bili e fetolang Molaotheo o fetisitsweng ke Seboka sa Naha le moo e ka sebetsang, ke Lekgotla la Naha laDiporofense, e lebiswe ho Mopresidente ho e ananela.
(iii) Bili eo e qhelelwe thoko.
(b) Ha Lekgotla le fetisa Bili ntle ho ho sisinya diphetoho tsa Bili, Bili e fetisetswe ho Mopresidnte hore a e ananele.
(ii) etse qeto ya ho se tswelle pele ka Bili eo.
(d) Bili e fetisitsweng ke Seboka sa Naha ho ya ka dipehelo tsa temana ya (c), e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(c) taba e kgaolwa ka boholo ba palo ya dikgetho tse entsweng, empa ha ho na le dikgetho tse lekanang mahlakoreng a mabedi, moromuwa eo e leng modulasetulo a ka etsa kgetho e tla rarolla mathata.
(iii) qhelela Bili thoko.
(b) Ha eba Lekgotla le fetisa Bili e sa fetolwa, Bili e lokela hore ho fanwe ka yona ho Mopresidente hore a e amohele.
(c) Ha eba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Naha, mme ha Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(iii) tlhahiso e nngwe ya Bili.
(e) Ha Komiti ya Bonamodi e sa dumellane ka matsatsi a 30 ho tloha mohla Bili e fetisitsweng ka ona, bili eo e a thisa ka ntle ha eba Seboka se fetisa Bili, empa Bili e lokela ho iswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(f) Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka Bili e le jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla la Naha, Bili e lokela ho fetisitswa Sebokeng sa Setjhaba; mme ha seboka se ka fetisa Bili, Bili e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(g) Ha Komiti ya Bonamodi e ka dumellana ka Bili e fetostweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka sa Naha, mme ha e fetisitswe ke Lekgotla la Seboka, e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(h) Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka tlhahiso e nngwe ya Bili, tlhahiso eo ya Bili e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Naha le Sebokeng sa Naha, e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(i) Ha Bili e fetisitsweng Sebokeng sa Naha ho ya ka dipehelo tsa temana ya (f) kapa (h) e sa fetiswe ke Seboka, Bili eo e a thisa ka ntle ha eba Seboka se fetisa Bili ka tshehetso ya bonyane pedi tharong ya ditho tsa yona.
(j) Ha eba Bili e lebisitsweng ho Seboka ho ya ka temana ya (g) kapa (h) ha e a fetiswa ke Seboka, Bili eo e a thisa, empa Bili jwalo ka ha e fetisitswe qalong ke Seboka e ka fetiswa hape ke Seboka, empa ka tshehetso ya bonyane pedi tharong ya ditho.
Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka temana ya (e), (i) kapa (j) e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
(b) Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka temana ya (a)(i) e lokela ho nehlwa Mopresidente ho e ananela.
(c) H Seboka se fetisitse Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lebiswe Lekgotleng, mme ha eba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
(iii) kgatiso e nngwe ya Bili.
(e) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lokela ho lebiswa Sebokeng, mme ha e ba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehellwa Mopresidente ho e ananela.
(f) Ha Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lebiswe Sebokeng, mme ha eba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehelwa Mopresidente a e ananele.
(g) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka ho fetolwa ha Bili jwalo ka hae fetisitswe ke Lekgotla, Bili e lebiswe Lekgotleng, mme ha eba e fetisitswe ke Lekgotla, e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
(h) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka kgatiso e nngwe ya Bili, Kgatiso eo ya Bili e lokela ho lebiswa Lekgotleng le Sebokeng, mme ha eba e fetisitswe ke Lekgotla la Seboka, elokela ho nehelwa Mopresidente a e ananele.
(i) Ha eba Bili e lebisitswe Sebokeng ho yaka temana ya (f) kapa (h) ha e fetiswe ke Seboka, Bili e a thisa.
(f) karolo ya 197.
(b) o hopotsweng sebakeng se seng Kgaolong ya 13, mme o ama ditabatabelo tsa ditjhelete tsa mmuso wa porofense.
Temana ya (b) e hlakotsweng ka s.
(i) Ha eba Seboka sa Naha se nahana ka Bili e nahannweng karolwaneng ya (i) (g) kapa (h), Bili eo e ka fetiswa ke boholo ba ditho tsa Seboka ka kgetho mabapi le yona.
(ii) Ha eba Seboka sa Naha se nahana Bili e nahannweng karolwaneng ya (i) (e), (i) kapa (j), Bili eo e ka fetiswa ha feela pedi tharong ya ditho tsa Seboka ka kgetho le yona.
(6) Karolo ena ha e sebetse Dibiling tsa tjhelete.
dumella ka ho otloloha ditefello kgahlanong le Letlole la Naha la Ditjhelete, ntle le Bili e bonetsweng pele ho karolo 214 e dumellang ka ho otloloha ditefello.
dumella ka ho otloloha ditefello kgahlanong le Letlole la Naha la Ditjhelete.
(3) Dibili kaofela tsa tjhelete di lokelwa ho shejwa ho latela mokgwa o behilweng karolong 75. Molao wa Palamente o lokela ho nehela mokgwa wa ho lokisa Dibili tsa tjhelete ka pela Palamente.
s. 77 e hlakotsweng ka s.
(b) moromuwa a le mong ho tswa ho baromelwa ba porofense ka nngwe ba khanseleng ya Diporofense tsa Naha, mme a thontswe ke baromuwa ba habo.
(b) bonyane ke baemedi ba bahlano ba Lekgotla la Naha laDiporofense.
2 Melawana ya kopanelo e lokela ho fumantsha mokgwa wa ho, le ka moo ho ka, kenelwang ho tshohlwa hape ha Bili ke Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diporofense.
(b) karolo ya 74(1),(2) kapa (3)(b) kapa 76 o neng o sebediswa ho fetiseng Bili.
(b) a e lebise Lekgotleng la molaotheo hore le etse qeto ka tumellano ya yona molao.
(5) Ha Lekgotla le Molaotheo le etsa qeto ya hore Bili e dumellano le Molaotheo, Mopresidente o lokela ho ananela le e saena.
(b) ho etswa pele ho feta matsatsi a 30 ka mora hore Mopresidente a e ananele a be a e saenele e le Molao.
(b) kopo e na le monyetla wa ho atleha.
(4) Ha kopo e sa atlehe, Lekgotla la Molaotheo le ka laela hore bakopi ba lefe ditshenyehelo ha kopo e sa ka ya bontsha hore e ke ke ya atleha.
Bili e ananetsweng ya ba ya saenelwa ke Mopresidente e fetoha Molaotheo wa Palamente, mme e lokela ho phatlalatswa hanghang, e be e sebetse ha e se e phatlaladitswe kapa nakong e tlang ho ya ka dipehelo tsa Molao.
Molao le, ka mora phatlalatso, o tshepelwe Lekgotla la Molaotheo hore le o boloke.
MOPRESIDENTE LE LEKGOTLA LA NAHA LA PHETHAHATSO krlw.
(c) o ntshetse pele kopano ya setjhaba le se ka tswellisang Riphaboliki pele.
(e) ho phethisa mesebetsi e meng ya phethahatso eo ba e abetsweng ke Molaotheo le lekgotla la setjhaba le etsang molao.
Mopresidente, kapa ho thongwe moahlodi e mong ho ba modulasetulo. Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ya 3 e sebediswa le ho kgetheng Mopresidente.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
fete matsatsi a 30 a hoba ho qalwe ka mosebetsi.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
Seboka sa Naha, le ka hara matsatsi a mahlano, a be a se a ikanne kapa ho itlamela botshepehi Rephaboloking le ho ikokobelletsa Molaotheo jwalo ka ha ho bolelwa Shejulung ya 2.
ha motho a kgethetswe hore a sebetse e le Mopresidente, nako e pakeng tsa ho kgethwa hoo le dikgetho tse latelang tsa Mopresidente ha e ballwe e le nako ya mosebetsi.
mosebetsi ofe kapa ofe wa setjhaba.
(a) Motlatsi wa Mopresidente.
(b) Letona le thontsweng ke Mopresidente.
(c) Letona le thontsweng ke ditho tse ding tsa Khabinete.
o lokela ho ikana kapa ho itlamela botshepehI Riphaboliking le ho ikokonelletsa Molaotheo, ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
Karolwana ya (4) e tlatseditsweng ka s.
mesebetsi, mme a ka tebelwa mosebetsing.
(c) a se kgethe Matona a fetang a mabedi ho bao e seng ditho tsa Seboka sa Naha.
mmuso Sebokeng sa Naha.
mesebetsi ya tsona.
(b) ho tekela Palamente ditlaleho tse phethahetseng le ka mehla mabapi le merero e matleng a tsona.
(2 Batlatsa Matona ba thontsweng ho latela karolwana (1) (b) ba ikarabella Palamenteng ho ka bontsha matla a bona le ho etsa mesebetsi ya bona.
S. 93 e hlakotsweng ka S.
Matona le Batlatsi ba Matona ba ntse ba na le tokelo ya ho tswella pele ka mosebetsi, ho fihlela motho ya kgethetsweng ho ba Mopresidente ke Seboka se hlahlamang seo, a ba a kena mosebetsing.
lokela hore ba nke kano kapa ba itlamele ka botshepehi Riphaboliking le ho ikokobelletsa Molaotheo, ho ya ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
(a) ba sebetsa mosebetsi o mong oo ba ka putswang ho ona.
(c) ba sebedisa maemo a bona kapa tsebo eo ba e tshepetsweng ho ithusa kapa ho putsa motho e mong ntle ho tshwanelo.
(b) matla afe kapa afe kapa mosebetsi o tshepetsweng lekgotla le etsang molao sethong se seng.
seng se leng siyo mosebetsing kapa se sitwang ho phethisa taolo kapa mesebetsi eo.
ho ya ka Molao wa Palamente ho setho sa Lekgotla le Phethahetseng la porofense.
(c) e sebetsa ka mora kgoeletso ya Mopresidente.
Sehlooho se lokisitswe ka s.
ho thibela hore porofense e se ke ya etsa letho le lebe la ho nahanela porofense e nngwe kapa naha yohle.
Karolwana ya (1) e lokisitswe ka s.
(b) ho itshunyatshunya ho fele ka ntle ha eba ho dumelletswe ke lekgotla matsatsing a 30 a kopano ya pele ka mora ho itshunyatshunya ho qadile.
(c) Lekgotla le lekole ho itshunyatshunya kgafetsa mme le hlahise dikeletso tse loketseng lekgotleng la phethahatso la setjhaba.
Karolwana ya (2) e lokisitswe ka s.
(3) Lekgotla le etsang molao le ka laola tshebetso e qadilweng karolong ena.
S. 100 e lokisitswe ka s.
2 Dikgoeletso, melawana le mekgwa e meng ya lekgotla le etsang molao le mekgwa e meng ya ho etsa molao e fihlellwe ke setjhaba.
(b) ho amohelwa ke Palamente.
fetisa tshisinyo ya ho se tshepe ho Mopresidente, Mopresidente le ditho tse ding tsa Khabinete le Batlatsi ba Matona ba bang ba lese mosebetsi.
Temana ya (1) e hlakotsweng ka s.
(2) Meedi ya diporofense tsena ke e neng e le teng ha Molaotheo o ne o sebediswa.
S. 103 e hlakotswe ka s.
ditho tsa yona, e ka kopa Palamente ho fetola lebitso la porofense eo.
e fetile molao wa motheo wa porofense eo, le ke molao wa oo, mme e lokela ho sebetsa ka tsela eo, le meedi ya, Molaotheo le molaotheo wa porofense eo.
(4) Lekgotla le etsang molao la porofense ho latela taba ya bohlokwa ya, kapa e tsamaelanang le eo, ho sebediswa ka botlalo ka matla a taba e lenaneng le shejulung ya 4, ke ya dintlha tsohle tsa ho etswa ha molao tabeng e lenaneng le Shejulung ya 4.
amanang le taba efe kapa efe e ka thoko ho bolaodi ba lekgotla le etsang molao, kapa ho ya ka Molao wa Palamente o okametseng molao wa porofense.
(d) sephetho, ka kakaretso, ka tekanyo e lekanang ya boemedi.
Karolwana ya (1) e lokisitsweng ka s. 3 ya Molao wa Tokiso ya Leshome wa 2003 le ka s.
(2) Lekgotla la ketsamolao la porofense le bopilwe ka ditho tse 30 le tse 80 ka palo.
ditho, e ka fapanang porofenseng ka porofense, e sebetswa ka mokgwa o behilweng ke lekgotla la setjhaba le etsang molao.
(e) mang kapa mang, eo ha karolo ena e sebetsa, a tla be a ahloletswe ho hlola tjhankaneng nako ya kgwedi tse fetang 12, ke ntle ho boikgethelo ba ho lefa molato, e ka ba ka Riphaboliking kapa ka ntle ho yona ha ketso eo e neng e le tlolo ya molao, ke tlolo ya molao ka Riphaboliking, empa ho se be le a mong eo ho nahannweng hore o ahloletswe kapa o fumanwe a le molato ho fihlela sephetho sa boipiletso boo a bo entseng kgahlanong le kahlolo kapa ho fumanwa a le molato, se etswa kapa nako ya boipiletso e feta.
porofense ho ya ka dipehelo tsa karolo ya (1) (a) kapa (b) e ka nna ya eba nkgetheng wa lekgotla la ketsamolao, ho ya ka meedi kapa mabaka a lekgotla la nahaa la ketsamolao.
(b) ha a se a sa tle dikopanong tsa lekgotla la ketsamolao ka ntle ho tumello maemong ao melawana le ditaelo tsa lekgotla la ketsamolao di behileng ho se be teng ha batho ka teng.
[Karolwana ya (3) e hlakotsweng ka s. 4 ya Molao wa Tokiso ya Leshome wa 2003] le ka s.
(4) Dikgeo tse teng lekgotleng le etsang molao la porofense, di lokela ho tlatswa ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la ketsamolao la naha.
lokela ho naka kano kapa boitlamo ba botshepehi mabapi le Riphaboliki le boikokobetso Molaotheong, ho ya ka Shejulu ya 2.
nako ya lona e fela, Tonakgolo ya porofense eo, ka kgoeletso, e lokela ho phatlalatsa dikgetho le letsatsi la tsona, mme di lokela ho tshwarwa nakong ya matsatsi a 90 a nako eo lekgotla la ketsamolao le qhalwang ka yona, kapa dipehelo tsa lona di fetileng.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
moalo, Mopresidente, o lokela ho phatlalatsa, a be a behe letsatsi le leng la dikgetho tse ntjha, ka kgoeletso, mme di lokela ho tshwarwa nakong ya matsatsi a 90 ka mora ho fela ha nako eo kapa letsatsi leo dikgetho di behetsweng ka thoko lona.
le qhalwang kapa nako ya lona e fela, ho fihlela pele ho letsatsi la dikgetho tsa lekgotla la ketsamolao le leng.
(b) lekgotla la ketsamolao le hloleha ho kgetha Mopresidente nakong ya matsatsi a 30 kamora hoba sekgeo se hlahelle.
phatlalatso ya dikgetho.
dikopano tse ding le dinako tsa phomolo.
Karolwana ya (1) e hlakotsweng ka s.
kopanong e potlakileng neng kapa neng feela ho tla phetha merero e potlakileng.
(3) Lekgotla le etsang molao le ka ikgethela moo le batlang ho kopanela teng ka mehla.
ba modulasetulo wa dikgetho tsa Motsamaisi wa dipuisano.
modulasetulo dikgethong tsa Motlatsi wa Motsamaisi wa dipuisano.
Karolwana ya (2) e hlakotsweng ka s.
(3) Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ya 3 e sebdiswa ha ho kgethwa Batsamaisi ba Dipuisano le Batsamaisi ba dipuisano.
wa Motsamaisi wa dipuisano mosebetsing ka ho etsa qeto. Bongata ba ditho tsa lekgotla la ketsamolao di be teng ha ho nkuwa qeto.
Motsamaisi wa dipuisano.
(b) hore a ka etsa dikgetho tsa dipuisano ha taba eo ho buisanweng ka yona e ka qetwa ka tshehetso ya dikgetho tsa bonyane karolo tse pedi borarong tsa ditho.
mme ba ka bua, lekgotleng la ketsamolao wa porofense le dikomiting tsa bona, empa ba ke ke ba kgetha. Lekgotla la ketsamolao kapa ho dikomiting tsa lona.
(ii) lekala lefe kapa lefe la Mmuso porofenseng.
(d) ho amohela diphethishene, boemedi kapa dithomelo tse tswang ho mang kapa mang ya di kgothaletseng.
(d) ho amohelwa ha moetapele wa mokga o nang le ditho tse nyenyane lekgotleng la ketsamolao, jwalo ka Moetapele wa Kganyetsano.
di ka balellwa ka lekgotla la naha la ketsamolao.
porofense ke melato e leshwang ho tswa Lekgotleng la Lekgetho la Porofense.
wa fetola Bili ya tjhelete.
la ketsamolao la porofense le ka hlahisang Bili lekgotleng le etsang molao; empa ke feela setho sa lekgotla la Phethahatso se ikarabellang ho tsa ditjhelete porofenseng, se ka hlahisang Bili ya tjhelete lekgotleng la ketsamolao.
dumella ka ho otloloha ditefello kgahlanong le Letlole la Porofense la Ditjhelete.
(3) Molao wa porofense o lokela ho fana ka mokgwa oo ka oona ketsamolao ya porofense e ka lokisang Bili ya tjhelete.
S. 120 e hlakotswe ka s.
(b) a e fetisetse Lekgotleng la Molaotheo hore le etse qeto ka tumellano ya ho ba Molaotheo.
(3) Ha eba Lekgotla la Molaotheo le ka etsa qeto ka hore Bili e itshetlehile ka Molaotheo, Tonakgolo a e ananele mme a e saenele.
(b) e etswe matsatsing a 30 a letsatsi leo Tonakgolo a e ananetseng ka lona mme a ba a saenele Molao oo.
(b) kopo e na le hona ho ka atleha.
ditshenyehelo ha eba kopo e ke ke ya atleha.
porofense, e phatlalatswe ka pele mme e sebediswe ha e phatlaladitswe kapa nakong e latelang e lekanyeditswe ho ya ka tsa Molao.
kapa Molao wa Palamente.
(3) Porofense e na le matla a bolaodi a phethahatso ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (2)(b) ho fihlela moo porofense e nang le matla a taolo a ho ba le boikarabelo. Mmuso wa setjhaba, ho ya ka molao o entsweng kapa ditsela tse ding, o tlameha ho thusa porofense ho ntshetsa pele matla a porofense a hlokehang ho phethisa ka botlalo le ka ho etsa mesebetsi ya bona e hlalositsweng karolwaneng ya (2).
ofe e lebiswe Lekgotleng la Setjhaba la Diporofense hore ho tle ho etswe qeto matsatsing a 30 a letsatsi leo ho builweng ka lona Lekgotleng.
phethahatso a ikgethileng a porofense.
(b) Molaotheo wa porofense, ha eba Molaotheo o fedisitswe porofenseng.
mosebetsi o tlamehileng ho phethwa kapa ho etswa ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Palamente, kapa Molao wa porofense, Lekgotleng la Masepala.
(c) e etsahala ka lebaka la kgoeletso ka Tonakgolo.
(f) phatlalatsa referendamo porofenseng ho ya ka molao wa naha.
ba modulasetulo ha ho kgethwa Tonakgolo. Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ya 3 e sebediswa ha ho kgethwa Tonakgolo.
Karolwana ya (2) e hlakotswe ka s.
se fete matsatsi a 30 sekgeo sa mosebetsi se hlahile.
Karolwana ya (3) e hlakotsweng ka s.
matsatsi a mahlano, a ikanne kapa a itlamme ka botshepehi Riphaboliking le boikokobetso ba Molaotheo, ho ya ka dipehelo tsa shejulu ya 2.
motho a ne a kgethetswe ho kwala sekgeo ofising ya Tonakgolo, nako e pakeng tsa dikgetho tseo le dikgetho tsa Tonakgolo ya hlahlamang, ha e ballwe jwalo ka mosebetsi o mong.
(c) ho hloleha ho phethisa mesebetsi ya ofisi.
(b) a ke ke a fumana kotulo ya ofisi eo, mme a ke ke a sebetsa kae kapa kae ofising ya mmuso.
(a) Setho sa Lekgotla la Phethahatso se thontsweng ke Tonakgolo.
2 Tonakgolo ya tshwereng mokobobo o na le boikarabelo, matla le mesebetsi ya Tonakgolo.
boikokobetso tlasa Molao wa motheo, ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
2 Tonakgolo ya porofense ke yena ya thonyang ditho tsa Lekgotla la Phethahatso, ho ba abela matla le mosebetsi, mme o na le tokelo ya ho ba leleka.
mong ba ikarabella ho lekgotleng le etsang molao ka phethiso ya mesebetsi ya bona.
(b) ho fa lekgotla le etsang molao ditlaleho tse felletseng le tsa ka mehla ka merero eo ba e sebedisang.
la Phethahatso le ditho tsa lona di kgona ho sebetsa tswanelo ho fihlela motho ya kgethilweng ho ba Tonakgolo a be a kena mosebetsing.
Molaotheo ho ya ka Shejulu ya 2.
(c) tsa sebedisa maemo a tsona kapa tsebiso efe kapa efe e matleng a tsona kapa ho ithuisa kapa ho atla motho e mong feela ka ntle ho tokelo.
(b) matla afe kapa afe kapa mosebetsi oo molao o entsweng o neng o o beile matleng a setho se seng.
kapa mosebetsi wa setho se seng se siyo mosebetsing kapa se sa tsebe ho phethisa tshwanelo kapa ho phethisa mosebetsi oo.
(iii) ho boloka tshebedisano ya moruo.
(c) ho qhalwa ha Lekgotla la Masepala le ho thonya molaodi ho fihlela Lekgotla la Masepala le letjha le kgethwa, haele hore maemo a ikgethang a batla kgato e jwalo.
ketsamolao e tshwanetseng ya porofense le ho Lekgotla la Naha la Diporofense, matsatsing a 14 kamora ho itshunyatshunya ho qadile.
(c) Ha ho itshunyatshunya ho ntse ho tsweletse, Lekgotla le lokela sheba ho itshunyatshunya hono kgafetsa mme le ka etsa ditshitshinyo tse tshwanetseng ho lekgotla la phethahatso la porofense.
ha ho qhalana ho etsahetse matsatsing a 14 ho tloha mohlang ho neng ho fumanwa tsebiso ke Lekgotla ntle le haeba e ne e betswe ka thoko ke setho seo sa Khabinete kapa ke Lekgotla pele ho feta matsatsi ao a 14.
ho ananelwa ha nakwana ha tekanyetso kapa mehato e hlahisang tsa ditjhelete ho fana ka mesebetsi e tswelang pele ya masepala.
haeba Lekgotla la Masepala ha le a qhalwa ho latela seratswana (b), le jara boikarabelo ba ho kenya tshebetsong leano la hlapohelo ho fihlela masepala a sa kapa a ke ke a kenya tshebetsong leano la hlapohelo.
ketsamolao e tshwanetseng ya porofense le ho Lekgotla la Naha la Diporofense, matsatsing a supileng kamora ho itshunyatshunya ho qadile.
(7) haeba lekgotla la phethahatso la porofense le ke ke la kapa le sa, kapa le sa sebedise matla ka tshwanelo kapa le sa phethe mesebetsi e boletsweng karolwaneng (4) kapa (5), lekgotla la phethahatso la naha le lokela ho itshunya ho latela karolwana (4) kapa (5) boemong ba lekgotla la phethahatso la porofense le tshwanetseng.
(8) Lekgotla la ketsamolao la naha le ka laola tsamaiso ya ho kenngwa tshebetsong ha karolo ena, ho kenyeletswa le ditsela tse thehilweng ke karolo ena.
S. 139 e hlakotswe ka s.
Phethahatso ha eba qeto eo e ama mosebetsi o abetsweng setho seo se seng.
fihlellwa ke setjhaba.
(b) ananelelwa ke lekgotla le etsang molao la porofense.
Phethahatso di lokela ho tlohela mosebetsi.
Melaotheo ya Diporofense krlw.
ya ditho e dumellana le Bili.
(ii) ka thoko ho matla le mesebetsi e abetsweng porofense ke dikarolo tse ding tsa Molaotheo.
(b) tekese kaofela e dumellana le dipehelo tsa karolwana ya 143.
Gazeteng ya Mmuso ya naha mme di e sebediswa ka yona nako eo ha e phatlalatswa kapa nakong e tlang e tsamaelanang le molaomotheo kapa tokiso.
lokela ho fetisetswa polokelong Lekgotleng la Molaotheo.
tshireletso ya tikoloho.
(b) tse ka sitisang ho kenngwa tshebetsong ha leano la naha, kgwebong.
karolwaneng ya (2) (c), mme ho se dumele hoo ho hlahiswa kgotla hore ho nkuwe qeto, lekgotla le amohele kapa le qhelele thoko molao ka Lekgotla la Naha la Diporofense.
(6) Molao o etswa ho latela Molao wa Palamente kappa Molao wa porofense o ka tswela pele ha fela molao oo o ananelwa ke Lekgotla la Naha la Diporofense.
(7) Haeba Lekgotla la Naha la Diporofense le sa nke qeto matsatsing a 30 a ho dula kamora hore molao o fetisetswe ho bona, ao ono o lokela ho nkuwa e le o ananetsweng ke Lekgotla bakeng sa merero yohle.
la pele ka mora ho hoba molao o lebiswe ho lona, molao o nahanelwe mabaka oohle jwalo ka ha o amohetswe ke Lekgotla.
ya merero e bolelwang dibakeng tsa tshebetso tse Shejulung ya 5.
okametse wa porofense kapa molaotheo wa porofense.
le le leng, le lokela ho ikgethela tlhakiso, efe kapa efe, e nang le mabaka, ya molao oo, kapa molaotheo oo, e thusang hore kgohlano e qojwe, ka hodima tlhakiso e nngwe e ka bakang kgohlano.
Mebuso ya metse krlw.
2 Bolaodi ba phethahatso le ba lekgotla le etsang molao bo beilwe diatleng tsa Lekgotla la Masepala.
(3) Masepala o na le tokela ya ho busa, ka boithaopo, merero ya metse ya baahi ba hae, ho ya ka taolo ya molao o entsweng wa naha le wa porofense, jwalo ka ha o hlahisitswe Molaotheong.
(4) Mmuso wa naha le wa porofense e ke ke ya itshunya kapa ya sitisa bokgoni kapa tokelo ya masepala ya ho sebedisa matla a hae kapa ho phethisa mosebetsi.
(2 Masepala o lokela ho leka, ho ya ka matla a ditjhelete le taolo, ho fihlela maikemisetso a ngotsweng karolwaneng ya (1).
(b) kenya letsoho mananeong a tswelopele a naha le porofense.
mebuso ya selehae e lokela ho phatlalletswa baahi hore ba e hlahlobe ba be ba hlahise maikutlo mabapi le yona pele e hlahisetswa Seboka sa Naha kapa lekgotla la porofense la ketsamolao, ka mokgwa o tla dumella hore ho be le mmuso selehae, masepala ya hlophisitsweng, le batho ba bang ba nang le kgahleho hore ba be le boemedi ho ya ka Bili.
(a) Mokga wa A: Masepala ya nang le phethahatso ya masepala e ikgethileng le matla a molao tikolohong ya ona.
tikolohong ya ona le Mokga wa C wa masepala dibakeng tseo e welang ho tsona.
2 Molao wa Naha o hlalose mefuta e fapaneng ya masepala e ka thehwang mokgeng ka mong.
(c) ho ya ka karolo ya 229, ho etswe pehelo mabapi le lekala le nepahetseng la matla le mesebetsi mahareng a bomasepala ha sebaka se na le bomasepala mokgeng wa B le C ha mmoho. Karolo ya matla le mesebetsi mahareng a mokga wa B wa masepala le mokga wa C wa masepala e ka fapana le karolo ya matla le mesebetsi mahareng a mokga wa B o mong wa Masepala le mokgwa wa C wa Masepala.
masepala ka tsela e lekanang le e ka tswellang.
(5) Molao wa porofense o lokela ho laola mefuta e fapaneng ya masepala ho thehwa porofenseng.
(b) ntshetsapele tswelopele ya matla a mmuso wa metse hore bomasepala ba sebetse le ho laola ditaba tsa bona.
Karolwana ya (6A) e kentsweng s. 1 ya Molao wa Tokiso ya Boraro wa 1998 mme ya hlakolwa ka s.
(iii) fana ka taolo e nngwe ya meedi ya masepala moo e nngwe ya diporofense tse amehang e hula tshehetsoya yona ya moedi wa masepala e boletsweng ho latela seratswana (a).
Krlw. (6A) e kentswe ke krl. 1 ya Molao 87 wa 1998.
(7) Mmuso wa Naha, ho ya ka karolo ya 44, le mebuso ya porofense matla a ho etsa molao le phethahatso ho hlokomela phethahatso e tswileng matsoho ka bomasepala ho ya ka ditaba tse hlahelang Dishejulung tsa 4 le 5, ka ho laola matla a bomasepala ka matla a bona a phethahatso a lebisang karolong ya 156(1).
2 Masepala a ka etsa kapa a phethahatsa melawana mabapi le tsamaiso e phethahetseng ya merero eo e nang le nako ho e laola.
(3) Ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 151 (4), molawana o kgahlanong le lekgotla la ketsamolao la naha le la porofense ha o sebetse. Ha eba ho na le kgohlano pakeng tsa molawana le lekgotla la ketsamolao la naha le porofense ha o sebetse ka lebaka la kgohlano eo ho lebisitsweng ho yona karolong ya 149, molawana o amohelwe o nepahetse ha feela molao oo o entsweng o ka sebediswa.
(b) masepala o na le bokgoni ba ho o laola.
(5) Masepala o na le tokelo ya ho sebedisa matla afe kapa afe morerong o hlokahalang, kapa, bakeng sa, tshebetso e phethahetseng ya mesebetsi ya ona.
(ii) ditho ha mmoho tse kgethilweng ho ya ka tsamaiso ya temana ya (a) le ditho tse kgethilweng ka taolo ya karolwana ya (b) (i).
Karolwana ya (1) e kentsweng s. 1 (a) ya Molao wa Tokiso ya Bohlano wa 2003 le ka s. 3 ya s.
(b) boemedi ba tekano jwalo ka ha ho hlalositswe temaneng ya (a) ho kopantswe le tsamaiso ya boemedi ba didika bo theilweng ka karolo ya masepala ya lenane la bakgethi la naha.
(3) Tsamaiso ya dikgetho ho ya ka dipehelo tsa karolwana ena (2) e lokela ho netefatsa hore palo ya ditho kaofela tse kgethilweng mokgeng ka mong e paka palo ya divoutu tse ngodisitsweng bakeng sa mekga eo.
Karolwana ya (3) e kentsweng ka s.
(4) (a) Ha eba tsamaiso ya dikgetho e kenyeletsa boemedi ba didika, ho arolwa ha didika tseo ho lokela ho etswa bolaodi boikemetseng bo thontsweng ho ya ka dipehelo tsa, bo bile bo sebetsa ho ya ka, ditsamaiso le dihlahlobo tse balletsweng ke lekgotla la ketsamolao la naha.
(b) Moo moedi wa masepala o laotsweng ho latela karolo 155 (6A), wate e potapotilweng ka hara moedi wa masepala oo e ke ke ya atoloswa ho ralla le moedi wa porofense e amehang.
Temana ya (b) e hlakotsweng ka s.
Karolwana ya (4) e hlakotsweng ka s.
(5) Motho a ka kgetha masepaleng feela ha eba motho eo o ngodisitswe karolong eo ya masepala , ya lenaneo la bakgethi ba naha.
(6) Lekgotla la ketsamolao la naha leo ho lebisitsweng ho lona karolong ya 157 (1) (b) le lokela ho thea tsamaiso e dumellang mekga le tjantjello e hlahellang Lekgotleng la Masepela ka ho thonya, mme le be le boemedi bo botle.
(b) mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa a le tshebeletsong ya Mmuso boemong bo bong, mme a fumana moputso ka ho thonngwa hoo, kapa mosebetsi oo, a bile a sitiseha ho ba setho sa Lekgotla La Masepala ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la ketsamolao la naha.
(2 Motho ya ke keng a kgethelwa ho ba setho sa Lekgotla la Masepalaho ya ka dipehelo tsa karolo ya (1) (a),(b),(d) le (e), e ka nna ya eba nkgetheng wa Lekgotla, ho ya ka meedi kappa maemo a thehilweng ke lekgotla la ketsamolao la naha.
Dikgeo tsa mesebetsi Lekgotleng la Masepala di tlameha ho tlatswa ho ya ka ketsamolao ya naha.
Karolwana ya (3) e tlatseditsweng ka s.
Lekgotla leo Khansele ya Masepala e le dulang tshebetsong, e se fete dilemo tse nne, ho ya ka taolo ya ketsamolao ya naha.
Ha Lekgotla la Masepala le qhalana ho ya ka dipehelo tsa ketsamolao ya naha, kapa ha sehla se fedile, kgetho e lokela ho etswa matsatsing a 90 ho tloha mohlang Lekgotla le neng le qhalwa kapa mohlang sehla se neng se felang.
Lekgotla la Masepala, leo e seng Lekgotla le qhadilweng ho latela ho itshunyatshunya ka dipehelo tsa karolo 139, le tla dula le sebetsa ho tloha nakong eo le neng le qhalwa kapa sehla se fela, ho fihlela Lekgotla le letjha le kgethilweng tsebisahatswa.
Krl. 159 e emetswe ke krl. 1 ya Molao 65 wa 1998.
Letsatsi la ho kenya tshebetsong serat. (b): 30 Phupjane 1997.
(d) ho nyollwa ha dikadimo.
(3) (a) Boholo ba ditho tsa Lekgotla la Masepala e be teng pele kgetho e ke ke ya nka ka taba efe kapa efe.
(b) Dipotso tsohle tse amang ditaba tse boletsweng karolwana ya (2) di laolwa ke qeto e nkuweng ke Lekgotla la Masepala ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho tsa yona.
(c) Dipotso tsohle tse ding tse ka behetsweng Lekgotla la Masepala di nahanetswe ke boholo ba dikgetho tse nkilweng.
(b) molawana o sisintsweng o phatlaladitswe hore setjhaba se hlahise maikutlo.
(c) motheo, sebopeho, mekgwa ya tshebetso, matla le mesebetsi ya dikomiti tsa ona.
(7) Lekgotla la Masepala le lokela ho sebeletsa pepeneneng, mme le ka kgaotsa dikopano tsa lona, kapa tsa dikomiti tsa tsona, ha ho hlokeha ho etsa jwalo ho nahanwang ka sebopeho sa mosebetsi o etswang.
(c) e ka laolwa ke molao wa naha.
Molao wa porofense, o itshetlehile ka molao wa naha, o ka hlophisetsa ditshwanelo le diteballo, bakeng sa Makgotla le ditho tsa tsona.
2 Gazete ya semmuso ya porofense e lokela ho phatlalatsa molawang wa masepala, ka kopo ya masepala eo.
(3) Melawana ya masepala e lokela ho fihlellwa ke bohle.
(iii) thonya batho bakeng sa Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo.
Serat. (b) se emetswe ke krl. 4 ya Molao 61 wa 2001.
ka molao wa naha kapa wa porofense o ithetlehileng ka molao wa naha.
Makgotla le Taolo ya Toka krlw.
lokelang ho o sebedisa, ntle le ho sekamela lehlakoreng, lefe kapa lefe, ntle le letswalo; kgethollo kapa tshekisetso.
(3) Ha ho motho, kapa lekala la Mmuso le tokelo ya ho itshunyatshunya ditshebetsong tsa makgotla.
makgotla le ha a sirelletsa, hore boitjaro, ho hloka tshekamelo, seriti, phihlelleho le kutlwahalo, di tle di netefatswe.
(5) Taelo kapa qeto eo lekgotla le e entseng e tlama batho bohle ba amehang esita le makala oohle a Mmuso a amehang.
(e) Makgotla a mang feela a ka thehwang kapa ho ya ka Molao wa Palamente; lekgotla lefe feela, la boemo bo tshwanang le ba Makgotla a Phahameng kapa Makgotla a Bomaseterata.
(1) Legotla la Molaomotheo le bopilwe ka - Mookamedi; Motlatsi wa Mookamedi le baahlodi ba bang, ba robong.
[Krlw. (1) e emetswe ke krl. 11 ya Molao 34 wa 2001.](2) Ngangisano kapa potso e behelang Lekgotla la Molaomotheo le lokela ho sebetswa ke baahlodi ba robileng meno e mmedi, ka palo, bonyane.
kapa tjhee, le hore a ekaba taba e amana le qeto, e tobaneng le Molaomotheo.
(a) etsang qeto dingangisanong tse pakeng tsa makala a Mmuso, naheng, kapa porofenseng, ka boemo Molaongmotheo, matla le ditsehebetso tsa makala afe feela a Mmuso.
(e) etsa qeto hore Palamente kapa Mopresidente o hlolehile ho phethisa ditokelo tsa Molaomotheo.
(f) tiiseletsa molaomotheo wa porofense ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 144.
(5) Ke Lekgotla la Molaomotheo le ka etsang qeto ya makgaolakgang ka hore na Molao wa Palamente, wa Porofense, wa porofense, kapa ketso ya Mopresidente, e itshetlehile ka Molaomotheo, kapa tjhee; mme le lokela ho tiiseletsa taolo efe, feela, ya ho se sebetse, e ntshitsweng ke Lekgotla le Phahameng la Boipiletso. Lekgotla le Phahameng, kapa lekgotla la boemo bo lekanang, pele taelo eo, e ka ba le matla, a tshebetso.
(b) ka ho otloloha, a etse boipiletso, Lekgotleng la Molaomotheo, ho tswa lekgotleng lefe kapa lefe; ha hona ho ka ba molemong wa toka, feela a fumane tumello ya Lekgotla la Molaomotheo, pele.
tshireletso kapa tshebediso ya Molaomotheo.
wa Moahlodi e Moholo, le palo e itseng ya baahlodi ba boipiletso ba hlomamisitsweng ka Molao wa Palamente.
[Krlw. (1) e emetswe ke krl. 12 ya Molao 34 wa 2001.](2) Taba e tlisitsweng Lekgotleng le Phahameng la Boipiletso, le lokela ho sebetswa ke palo, e behilweng ke Molao wa Palamente, ya baahlodi.
Krlw. (2) e emetswe ke krl. 12 ya Molao 34 wa 2001.
(3) Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, le ka etsa qeto ka boipiletso bo tobaneng la taba efe kapa efe.
(c) taba e nngwe, feela e lebisitsweng ho lona, tlasa mabaka a hlaloswang ka Molao wa Palamente.
(b) taba efe kapa efe e sa rerelwang lekgotla le leng ho ya ka Molao wa Palamente.
Makgotla a Bommaseterata, le makgotla a mang, kaofela a ka etsa diqeto, tabeng efe kappa efe, eo Molao wa Palamente o dumellang yona, empa lekgotla leo boemo ba lona bo leng ka tlase ho ba Lekgotla le Phahameng, ha le na tokelo ya ho tshohla kapa ho etsa qeto ka tumellano ya molao ofe le Molaotheo, esita le ketso efe feela ya Mopresidente.
tsa ona a lokela hore a di dumellwe ke ona.
dumellaneng le Molaotheo , ha e na tokelo ya ho sebetsa ho ya kamoo e sa dumellaneng le Molaotheo ka teng.
leng la boemo bo lekanang, le ka etsa taelo ka kamano ya Molao wa Palamente kapa wa Porofense, esita le ketso efe feela ya Mopresidente; feela taelo e reng ha ho tumellano le Molaotheo e ke ke ya kena tshebetsong ho fihlela Lekgotla la Molaotheo, le e ananela.
(b) Lekgotla le fanang ka qeto ya tlhokahalo ya tshebetso, leka etsa thibela ya nakwana kappa ya fana ka tshihlollo ya nakwana, ho ba lehlakoreng le itseng, la phehisano, kapa le ka etsa kgefutso, tshebetsong ya ngangisano, ho fihlela Lekgotla la Molaotheo, le etsa qeto ka tshebetso ya Molao oo, kapa ketso eo.
dumellane le Molaotheo Lekgotleng la Molaotheo.
(d) Motho ofe kapa ofe, kapa lekala la mmuso le nang le tjhesehelo, le ka etsa boipiletso, kapa ka bo lona, la etsa kopo, Lekgotleng la Molaomotheo hore le ananele, kapa le fetolo taelo ya ho se sebetse molaong wa motheo e entsweng le lekgotla la dipehelo tsa karolwana ena.
Phahameng, ka bo oona a na le matla a ho sireletsa le ho laola ditsamaiso tsa ona, le ho tswellisa molao wa botjhaba, ho hlokoimetswe a toka.
motho wa sebele, a ka thonngwa ho ba motshwari wa tsa toka.
2 ho a hlokahala hore ha ho thonngwa ditho tsa botshwari ba tsa toka ho bontshwe ka moo setjhaba sa Aforika Borwa se bopilweng ka teng ho ya ka merabe le bong.
(3) Ka morao ho hore a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka le baetapele ba mekgwa e nang le baemedi Sebokeng sa Naha sa Lekgotla le etsang molao , Mopresidente, jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, o thonya Mookamedi le Motlatsi wa Mookamedi wa Lekgotla la Molaotheo, e re ha a se a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka, a thonye Moahlodi e Moholo le Motlatsi wa Moahlodi e Moholo.
Krlw. (3) e emetswe ke krl. 13 ya Molao 34 wa 2001.
(a) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e loka ho etsa lenaneo la mabitso a bathonngwa le nang le mabitso a mararo ka hodimo ho palo ya batho ba lokelang ho thonngwa, mme e nehe Mopresidente lenaneo leo.
(b) Mopresidente o ka thonya batho bao a ba batlang, ka lenaneo lena, mme a be a tsebise Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka, a bile a fana ka mabaka, haeba ba bang ba bathonngwa ba sa amohelehe, mme ho ntse ho hlokahala hore ho thonngwe.
(c) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e lokela ho tlaselletsa lenaneo leo ka bathonngwa mabitso a mang mme Mopresidente o lokela ho thonya motho kapa batho ba kwalang dikgeo tse salletseng, ka lenaneo le tlatselleditsweng.
Krlw. (4) e emetswe ke krl. 13 ya Molao 34 wa 2001.
(5) Ka dinako tsohle, bonyane, bathonngwa ba bane, e be batho, bao nakong ya ho thonngwa ha bona, hore ba keng Lekgotleng la Molaotheo, e neng e ntse e le baahlodi.
(6) Mopresidente o lokela hore ha a thonya baahlodi bohle, ba bang, a be a eleditswe ke Khomishene ya Ditshebelletso tsa Toka.
(7) Batshwari ba bang ba tsa toka, ba lokela ho thonngwa ka dipehelo tsa dipehelo tsa Molao wa Palamente, o lokelang ho esa bonnete ba hore ho thonngwa, ho phahamiswa, ho tloswa sebakeng se itseng ba iswa ho se seng, kapa ho lelekwa, kapa ho kgalemelwa ha batshwari bana, ba tsa toka, ho etsahala ho se kgethollo kapa tshekisetso.
(8) Pele batshwari ba tsa mosebetsing ba lokela ho etsa kano kapa boitlamo, jwalo ka ha ho boletswe Shejulung ya 2, hore ba tla boulella ba be ba sirelletse Molao wa motheo.
Lekgotla la Molaotheo, ha eba ho hlahile sekgeo kapa ha moahlodi a le siyo. Mohlaodi eo a thonngwe ka keletso ya setho sa Khabinete, se ikarabellang ho tsa toka, sona se sebetsa ka tumellano le Mookamedi wa Lekgotla la Molaotheo le Moahlodi e Moholo.
Krlw. (1) e emetswe ke krl. 14 ya Molao 34 wa 2001.
(2) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa tsamaiso ya toka se lokela thonya baahlodi ba bang ba tshwereng mokobobo hore ba kene makgotleng a mang kamora hoba a rerisane le moahlodi e moholo wa lekgotla leo moahlodi ya tshwereng mokobobo a tlang ho sebetsa ho lona.
dilemo tse 12, e leng nako e ke keng ya tsoselletswa, feela o lokela ho phomola mosebetsing ha fihla dilemong tse 70.
[Krlw. (1) e emetswe ke krl. 15 ya Molao 34 wa 2001.](2) Baahlodi ba bang ba dula mosebetsing ho fihlela ba ntshwa tshebetsong tlasa taolo ya Molao o tlasa taolo ta molao wa Palamente.
(3) Meputso, ditumello le dikuno tsa baahlodi, di ke ke tsa fokotswa.
2 Mopresidente a tlose moahlodi mosebetsing ha ho amohetswe e laelang hore moahlodi a tloswe.
Serat. (b) se emetswe ke krl. 16 (a) ya Molao 34 wa 2001.
(f) Babuelli ba babedi, ba ntseng ba le mosebetsing ba thontsweng ke moifo wa babuelli hore a emele barupellwa ba babuelli kaofela, mme ba thontswe ke Mopresidente.
(h) Batho ba tsheletseng bao Seboka sa Naha sa Lekgotla le etsang molao se ikgethetseng bona, hara ditho tsa sona, bao ho bona, bonyane, ba bararo e leng ditho tsa mekga ya kganyetsong bao ho bona bonyane ba bararo e leng ditho tsa mekgwa ya kganyetso e teng Sebokeng.
ha ho tadimanwe le merero e tobaneng e Lekala la Porofense kapa la Tikoloho le lekgotla le phahameng, Moahlodi ya Phahameng wa lekala leo le Tonakgolo, kapa moedi ya kgethilweng Tonakgolo ya porofense.
[Serat. (k) se emetswe ke krl. 2 ya Molao 65 wa 1998 le krl. 16 (b) ya Molao 34 wa 2001.](2) Ha eba palo ya batho ba thontsweng moifong wa diadvokheiti kapa babuelli ba lekana le palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa ho ya ka dipehelo tsa karolwna ya (1) (c) kapa (f), e lekana le palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa, Mopresidente o lokela ho ba kenya dikgeong tseo. Ha palo ya batho ba thontsweng e leta palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa, Copresidente ha a se a rerisane le motho ya amehang, o lokela ho kwalwa dikgeo tse teng ka batho ba thontsweng, a hlokometse hore ba kgethilweng ba emetse sebopeho sa mosebetsi oohle.
(3) Ditho tsa Khomishene tse thontsweng ke Lekgotla la Naha la Diporofense di tla dula tshebetsong ho fihlela ho kenngwa ba bang sebokeng sa bona mmoho, kapa ho fihlela sekgeo se seng sa bona se buleha. Ditho tse ding tse thontsweng kapa tsa kgethelwa Khomishene ba sebetsa ho fihlela ba tloswa ke bao ba ba thontseng kapa ba ba kgethileng.
(4) Matla le mesebetsi ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka ke tseo e di filweng ke Molaotheo le Molao wa naha.
tobaneng le basebeletsi ba tsa toka le tsamaiso tsa tsa toka, empa ha e tshohla taba ele kapa ele ntle ho ho thonngwa ha moahlodi, e ka kopana ntle ho ditho tse thontsweng tlasa dipehelo tsa karolwana ya (1) (h) le (i).
(7) Ha Moahlodi e Moholo kappa Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Boipelaetso le sa kgone ho sebetsa Khomisheneng ha nakwana, Motlatsa Moahlodi e Moholo kappa Motlatsa Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Boipelaetso, a sebetse jwaloka moemedi wa hae Khomisheneng.
Krlw. (7) e kentswe ke krl. 2 (b) ya Molao 65 wa 1998 mme e emetswe ke krl. 16 (c) ya Molao 34 wa 2001.
(8) Mopresidente le motho ya thonyang, ya sisinyang kapa a kgetha ditho tsa Khomishene ho latela karolwana (1) (c), (e), (f) le (g), ka mokgwa ono, a ka thonya, sisinya kapa a kgetha moemedi bakeng sa setho ka seng sa ditho tseo, ho ka sebetsa Khomisheneng ha setho se amehang se sa kgone ho etsa jwalo ha nakwana ka lebaka la ho hloka bokgoni kapa a tswile Riphaboliking kapa mabaka a mang a utlwahalang.
Krlw. (8) e kentswe ke krl. 2(b) ya Molao 65 wa 1998.
2 Bookamedi ba batjhutjhisi sa na le matla a ho kganna diqoso tsa botlokotsebe ka lebitso la Mmuso le ho phethisa tsohle tse amanang le tsamaiso ya diqoso tsa botlokotsebe.
(a) ha a se a dumellane le Letona a bile a se a rerisane le Baokamedi ba tsa Botjhutjhisi ho qapa leano la ho tjhutjhisa le lokelang hore le hlomphuwe ha ho tjhutjhiswa.
Mookamedi wa tsa ho tjhutjhisa ya amehang hoba a fumane boipiletso bo hlahang ho ba amehang ka nako e behilweng ke Mookamedi wa Setjahaba wa tsa Botjhutjhisi.
(iii) Motho ofe kapa ofe kapa mokga ofe kapa ofe eo Mookamedi wa Setjhaba a nahanang hore o tla tshwaneleha.
(7) Merero yohle e meng e amang le bolaodi ba ho tjhutjhisa e lokela ho laolwa ke molao wa naha.
(c) ho kenya letsoho ha batho ba bang ka ntle ho basebeletsi ba toka lekgotleng.
Demokrasi ya melaotheo krlw.
Serat. (b) e lokisitswe ke krl. 4 ya Molao 65 wa 1998.
(3) Makala a Mmuso a lokela ho thusana le ho sireletsa metheo ena ka melao-ketswa le mekgwa e meng ho netefatsa hore e ikemetse, ha ena tshekamelo, ena le seriti ebile e sebetsa ka katleho.
(4) Ho se be motho kapa la Mmuso le itshohlometsang tshebetsong ya metheo ena.
(5) Metheo ena e ikarabella Palamenteng mme e lokela ho fana ka raporoto hang ka selemo e hlahisang ka moo e sebeditseng.
Mosireletsi wa Setjhaba krlw.
(a) ho phenya boitshwaro ketso efe kapa mererong ya Mmuso kapa tsamaisong ya bohle eo ho thweng ha e a tshwaneleha kapa eo ho belaelwang hore ha e a tshwaneleha kapa eo ho belaelwang hore ha e a tshwaneleha kapa e ka hlahisang ho se tshwanekehe kapa tshekamelo lehlakoreng lefe kapa lefe.
2 Mosireletsi wa Setjhaba o na le matla le ditshebeletso tse ding tseo a di newang ke ketsamolao ya naha.
(3) Mosireletsi wa Setjhaba a ke ke a phenya diqeto lekgotla.
(4) Batho le baahi bohle ba na le tokelo ya ho fihlella Mosireletsi wa Setjhaba.
(5) Batho bohle ba na le tokelo ya ho fihlella raporoto efe kapa efe a entsweng ke Mosireletsi wa Setjhaba ntle ha maemo a sa tlwaelehang jwalo ka ha a laolwa ke molao ketswa a bontsha hore e be sephiri.
Mosireletsi wa Setjhaba o tla dula mosebetsing nako ya dilemo tse supileng.
Khomishene ya ditshwanelo tsa Botho krlw.
(c) ho hlokomela le hlahloba ho phethahatswa ha ditshwanelo tsa botho Rephaboloking.
(b) ho hlokomela ho boloka ho fetola ka tshwanelo moo ditshwanelo tsa botho di ileng tsa se ke tsa phethiswa teng.
(3) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e lokela ho fumana tlhahisoleseding ho tswa lekaleng la Mmuso le amehang selemo le selemo mabapi le mehato e nkilweng hore ho phethiswe ditokelo tse Biling ya Ditshwanelo tsa, matlo, bophelo bo botle, dijo, metsi, paballeho kahisanong le thuto le tikoloho.
(4) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e na le matla a ekelletsang le mesebetsi e beilweng ke Seboka sa Lekgotla la naha le etsang molao.
Krl. 184 e lokisitswe ke krl. 4 ya Molao 65 wa 1998.
Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Bodumedi le Ditjhaba ka Dipuo tse fapaneng krlw.
(a) Ho kgothalletsa hlompho ya ditokelo tsa merabe tsa setso, bodumedi le dipuo.
(b) Ho kgothaletsa ho aha le ho hodisa kgotso, setswalle botho le mamello baahisaneng ba setso, bodumedi le dipuo tse tshwanang tse thehilweng ka tekano, ho sa kgethollwe le ho ikamahanya ka bolokolohi.
(c) Ho kgothalletsa ho thehwa, ka tlasa molaoketsuwa wa naha, ha lekgotla la setho le tse ding molemong wa merabe e itseng.
(2) Ka taolo ya molao wa naha, Khomishene e na le matla ao e a hlokang bakeng sa ho fihlella sepheo sa yona mmoho le matla a ho lekola, ho fuputsa, ho batlisisa, ho ruta, ho nonya maikutlo, ho eletsa le ho etsa diraporoto ke ditaba tse amang ditokelo tsa merabe ya setso, bodumedi le dipuo tse tshwanang.
(3) Khomishene e ka etsa tlaleho ka eng kapa eng e amanang le matla le tshebetso ya yona Khomisheneng ya Ditshwanelo tsa Botho hore yona e tle e e fuputse.
Krlw. (3) e lokisitswe ke krl. 4 ya Molao 65 wa 1998.
(4) Ka taolo ya molao wa setjhaba, Khomishene e nste e na le matla le mesebetsi e meng e tlatselletsang.
e lokela ho kgothalletsa tlhokomelo ya tekano ya bong le ntshetsopele, tshireletso le phihlello ya tekano ya bong.
(b) ho emela bong ka bophara Aforika Borwa.
Khomishene ya tekano ya bong krl.
(2) Khomishene ya Tekano ya Bong e na le a hlokahalang hore e kgone ho phethisa mesebetsi ya yona, ho kenyelletswa le matla a ho lekola, ho hlahlobisisa, ho ruta, ho susumelletsa, ho eletsa le ho etsa diraporoto ka dintho tse amang tekano ya bong. Matla ana a laolwa ke molao wa naha.
(3) Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla le ditshebetso tse ding tse laolwang ke molao wa naha.
Mohlahlobi Kakaretso krlw.
ketsamolao ya naha kapa profense hore e hlaolwe ke Mohlahlobi wa dibuka tsa molao.
(b) mokgatlo ofe kapa ofe o fuweng matla ho ya ka molao ofe kapa ofe wa ho amohela tjhelete mabapi le ditabatabelo tsa setjhaba.
(3) Mohlahlobi wa dibuka tsa molao o lokela ho hlaola a be a fane ka diraporoto Sebokeng sa Lekgotla la ketsamolao le balaodi ba bang ba angwang ke hlaolo jwalo ka ha ketsamolao o bolela. Ditlaleho Sebokeng sa Lekgotla la ketsamolao le balaodi ba bang ba angwang ke hlaolo jwalo ka ha molao o bolela. Ditlaleho tsohle di likela ho phatlalatswa.
(4) Mohlahlodi Kakaretso o na le Matla a ekeditsweng le mesebetsi e balletsweng ke lekgotla la ketsamolao la naha.
tsotsollotsweng e pakeng tsa dilemo tse hlano le tse leshome.
Khomishene ya Dikgetho krlw.
(c) ho phatlalatsa diphetho ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang jwalo ka ho molao o bolela.
(2) Khomishene ya Dikgetho e na le matla le ditshebetso tse ekelletsang tse bewang ke molao wa naha.
Khomishene ya Dikgetho e lokela ho botjwa ka batho ba bararo bonyane. Palo ya ditho le nako ya tshebetso e lokelwa ho bewa ke molao wa naha.
Bolaodi bo ikemetseng ba ho laola kgaso krl.
Molao wa naha o lokela ho hloma bolaodi bo ikemetseng hore botle bo tsamaiso kgaso molemong wa setjhaba le ho etsetsa hore ho be taka le hore ho hlahiswe mehopolo e pepeneneng ya baahi ba Aforika Borwa.
Dipehelo tse akaretsang krlw.
Kgaolo ena di lokela hore e be banna le bassadi bao e leng baahi ba Aforika Borwa, ba loketseng ba bile ba tshwanela ho kenngwa maemong a itseng ba bile ba tshwaneleha ho ya ka molao wa naha.
(c) ho sebetsa ho ya ka ditlhoko dife kapa dife tseo lekgotla le etsang molao la naha le di batlang.
(2) Ho hlokeha ha Khomishene e thehilweng ke Kgaolo ena ho totobatsa ka sebopeho sa bophara ba morabe le bong ba Aforika Borwa bo lokela ho hopolwa ha ho hirwa ditho.
(3) Mohlahlobi wa dibuka tsa molao e lokela hore e be mosadi kapa monna eo e leng moahi wa Aforika Borwa mme e be motho ya tshwanelehang le ya matla ho ka sebetsa phetha mosebetsi oo.
Serat. (a) se lokisitswe ke krl. 4 ya Molao 65 wa 1998.
(c) Khomishene ya Dikgetho.
(ii) boholo ba ditho tsa Seboka , ha eba dikgothaletso tse amang dikgetho tsa ditho tsa Khomishene.
(6) Ho kenya letsoho ha setjhaba dikgothaletsong ho ka ba teng jwalo ka ha ho nahannwe karolong ya 59 (1)(a).
(c) kamohelo ya Palamente ya qeto e batlang hore motho eo a tloswe mosebetsing.
(b) setho sa khomishene se lokela ho amohelwa ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho tsa Seboka.
(b) ho tlosa motho mosebetsing ka mora hore Seboka se amohele qeto e ipiletsang hore motho eo a tloswe.
TAOLO YA SETJHABA krlw.
(a) Boemo bo phahameng ba boitshwaro bo lokileng tshebetsong, bo lokela ho kgothaletswa.
(b) Tshebetso e tswileng matsoho, ya moruo le e atlehileng e kgothaletswe.
(c) Taolo ya setjhaba e lokela ho ba ya ntshetsopele.
(d) Ditshebeletso di nehelanwe ntle ho kgethollo, ka toka, ka ho lekana ho sa uwe ka leeme.
(e) Ditlhoko tsa batho di boulellwe, mme setjhaba se kgothalletswe ho kenya letsoho haho qatjwa leano.
(f) Taolo ya setjhaba e be le boikarabelo.
(g) Setjhaba se tsebiswe taba e nngwe le e nngwe ka nako, mme ba tsebe ho fihlella tsebise eo e nepahetseng.
(h) Taolo ya ho sebedisa bokgoni ba batho le ditshebetso tsa ho ntshetsa pele mesebetsi, ho hodisa bokgoni ba batho, e tlwaetswe batho.
(i) Taolo ya setjhaba e lokela ho emela batho bohle ba Aforika Borwa, ho mme ho fumana mesebetsi le bolaodi di itshetlehe hodima bokgoni, nnete, ho se ye ka leeme, le ho lokisa ho se lekane hwa mehleng e le ho fihlella boemedi bo batsi.
(c) dikgwebong tsa mmuso.
(3) Lekgotla le etsang molao le lokela ho hlokomedisisa ntshetsopele ya melemo le metheo e ngotsweng karolwaneng ya (1).
(4) Ho kenngwa mosebetsing ha batho ba bangata taolong ya setjhaba ho ya ka leano ha ho thibelwe, empa Lekgotla le etsang molao la Naha le lokela ho laola ho fuwa mosebetsi itshebeletsong tsa setjhaba.
(5) Lekgotla le etsang molao le laolang taolo ya setjhaba e ka hlahisa phapang mahareng a mesebetsi, ditaolo kapa mekgatlo.
(6) Sebopeho le mesebetsi ya dikarolo tse fapaneng, ditaolo kapa le mekgatlo ya taolo ya setjhaba ke dintlha tsa bohlokwa tse lokelang tadimisiswa ha ho etswa molao o laolang taolo ya setjhaba.
ntshetsa pele melemo le metheo ya taolo ya setjhaba ditshebeletsong tsa setjhaba.
(2) Khomishene e ikemetse ka boyaona mme e se ye ka leeme le hore e laolwe ke lekgotla le etsang molao.
(3) Porofense ka nngwe e ka ikgethela moemedi ya tlang ho thonyetswa ho ba Khomisheneng.
(4) Ditho tsa Khomishene tse kgethilweng ke diporofense di ka sebedisa matla mme tsa phethisa mesebetsi ya Khomishene diporofenseng tsa bona, ho ya ka moo ho balletsweng ka teng lekgotleng la ketsamolao.
(b) ho fuputsa, ho hlokomela le ho hlahloba mokgatlo le taolo, le ditlwaelo tsa basebeletsi, ya tshebeletso ya setjhaba.
(iv) ho eletsa makala a setjhaba le a porofense ya Mmuso ka ditlwaelo tsa basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba, ho kenyeletswa le tseo tse tsamaelanang le ho thaotuwa, ho fumantshwa mosebetsi, ho lebiswa sebakeng se seng, ho tebelwa mosebetsing le ditaba tse ding tsa maikemeisetso a mosebetsi a basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba.
(g) ho kenya tshebetsong kappa ho sebedisa matla a tlatsetso kappa mesebetsi jwalokaha e dumelletswe ke Molao wa Palamente.
Serat. (g) se kentswe ke krl. 3 ya Nolao 65 wa 1998.
(5) Khomishene e ikarabella Sebokeng sa Naha.
(b) ho ya ka msebetsi ya yona porofenseng, ho lekgotla le etsang molao la porofense eo.
(b) khomishenara a le mong wa porofense ka nngwe a thontswe ke Tonakgolo wa porofense ho ya ka karolwana (8)(b).
(ii) amohelwa ke Seboka ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho tsa yona.
(ii) amohelwa ke lekgotla le etsang molao ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho tsa yona.
(b) motho ya kwenneng ya nang le tsebo ya, a sebeditse nako e telele, taolong, bolaoding kappa ho fana ha ditshebeletso tsa setjhaba.
(c) ho amohelwa ha Seboka kapa lekgotla le etsang molao la porofense, la qeto ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho ba batlang hore khomishenara a tloswe.
(b) tsebiso e ngotsweng ke Tonakgolo hore lekgotla le etsang molao la porofense le amohetse qeto e ipiletsang hore khomishenara a tebelwe.
Bokhomishenara bao ho hhlalositsweng ka bona karolwaneng ya (7)(b) ba sebetsa ka moo ba ratang le ho phetha mesebetsi ya Khomishenara diporofenseng tsa bona jwalo ka ha ho hlalositswe molaong wa naha.
(1) Taolong ya setjhaba ho na le ditshebeletso tsa setjhaba tsa Riphaboliki.
lokelang ho sebetsa, mme di hlohlomiswe ka tshwanelo, ho ya ka lekgotla le etsang molao, mme le lokelang ho phethisa mano a mmuso o busang kajeno ka botshepehi.
(2) Mabaka le dipehelo tsa ho kenngwa mosebetsing ditshebeletsong tsa setjhaba di lokela ho laolwa ka lekgotla le etsang molao. Basebetsi ba lokela ho fumana penshene e laolwang ke lekgotla la ketsamolao.
(3) Ho se be mosebeletsi wa ditshebeletsong tsa setjhaba ya tlang ho fumana menyetla e fetang ya ba bang kapa ho belaelwa feela ka hobane a tshehetsa mokga o itseng wa dipolotiki.
mesebetsing, ho falliswa mosebetsing le ho tebelwa ha ditho tsa tshebeletso ya setjhaba mesebetsing ya taolo moralong wa ho thswana le maemo a tshwanang a sebedisetswang setjhaba.
DITSHEBELETSO TSA TSHIRELETSO krlw.
(a) Tshireletso naheng yohle e lokela ho paka maikemisetso a MaAforika Borwa oohle, ka bong le ka kakaretso jwalo ka setjhaba, hore ba phele jwalo ka batho ba maemo a lekanang, ba phela ka kgotso le kutlwano, ba se na tshabo, ba sa hloke, mme ba ipatlela bophelo bo lokileng.
(b) Ho nkuwe qeto ya ho phela ka kgotso le kutlwano ho thibela moahi e mong le e mong wa Aforika Borwa ho ka lwana ntweng, setjhabeng kapa matjhabeng, ka ntle ha ho hlalositswe ho ya ka Molatheo kapa molao wa naha.
(c) Tshireletso ya setjhaba e taolong ya Palamente le lekgotleng la phethahatso ya naha.
(d) Tshireletso ya setjhaba e ka tlasa bolaodi ba Palamente le lekgotla la phethahatso la naha.
a ngatanngwe, tshireletso ya sepolesa e ngatanngwe mme ditshebeletso tsa sephiri tse thehilweng ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo.
ho ka nna ha thehwa dihlopha tse ding tsa mekgatlo ya tshireletso kapa ditshebeletso tse ding ho ya ka molao wa naha.
(4) Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho botjwa ho ya ka dipehelo tsa molao wa naha di be di laolwe ka ona.
(5) Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho sebetsa mme di rute ditho tsa bona ho sebetsa ka tataiso ya Molaotheo le ha mmoho le se tlwaelehileng molaong wa matjhaba le ditumelano tse entsweng le ditjhaba tse ding, tse tlamang Riphaboliki.
pepeneneng hore e fosahetse.
(a) sitisang ditabatabelo tsa mokga o itseng wa sepolotiki ha tsona di dumellwa ke dipehelo tsa Molaotheo.
(b) ntshetsang pele ditabatabelo tsa sephiri tsa mokga wa sepolotiki.
boikarabelo, dikomiti tsa mekga e mengata ya palamente e lokela ho hlokomela ditshebeletso tsohle tsa tshireletso ka tsela e laolwang ke lekgotla la ketsamolao la naha kapa melao le dithswanelo tsa Palamente.
bahlabani le mamelang molao le ditaelo.
(2) Sepheo sa Lebotho la Tshireletso ke hore le tshireletse le be hlokomele polokeho ya Riphaboliki, paballo ya naha ya yona le batho ba yona ka moo dipehelo tsa molaotheo wa matjhaba a laolang tshebediso ya dikgoka ka teng.
(1) Ho lokela ho be le setho sa Khabinete se ikarabellang mererong ya tshireletso.
(c) ho phethisa ditshwanelo tsa matjhaba.
(d) nako eo lebotho le tla sebediswang ka yona.
(4) Ha eba Palamente e sa kopane matsatsing a supileng ka mora hore lebotho la tshireletso le sebediswe jwalo ka ha ho hlalositswe karolwaneng ya (2), Mopresidente o lokela ho fana ka tsebiso e hlokahalang ya karolwana ya (3) komiting e nepahetseng e hlokometseng.
Mabotho a Tshireletso mme o lokela ho thonya ofisiri e le nngwe kapa diofisiri tse fetang bonngwe tse kgolo hore di laole mabotho a tshireletso.
(2) Ha eba Palamente e sa kopana nakong eo ho hwelehetswang nako ya maemo a tshireletso ya naha, Mopresidente o lokela ho bitsetsa Palamente kopanong e potlakileng pele ho feta matsatsi a supileng ka mora kgweletso.
(3) Maemo a nako ya tshireletso ya naha a iphetela feela ntle le ha Palamente e ananela kgweletso pele ho feta matsatsi a supileng.
Ho lokela ho thehwe bongodi bo bopilweng ka baahi ka taolo ya molao wa naha o laolwang ke setho sa Khabinete se ikarabelang mererong ya tshireletso, bo be bo phethise ditshebetso tse ding tseo setho setho sa Khabinete se ikarabelang ho tsa tshireletso se ka bo nehang tsona kapa ka taolo ya molao oo.
di tlang ho sebetsa naheng yohle, diporofenseng, hape ha ho hlokahala, metseng.
sepolesa, o be o etse sepolesa se kgone ho phethisa boikarabello ba sona.
botlokotsebe, ho tsitsisa maemo hara baahi le hore se sireletse se be se ntlafatse paballeho baahi bohle ba Riphaboliki le phahlo ya bona.
naha la tsamaiso ya sepolesa, ha a se rerisane le mebuso ya diporofense a bile a hlokometse le ditlhoko tsa diporofense.
(2) Leano la bopolesa la setjhaba le ka etsa pehelo e fapaneng ya maano ho ya ka ditlhoko tsa diporofense tse fapaneng kamora ho hore e nahane ka ditlhoko tsa bopolesa le dintlha tsa bohlokwa tsa diprovnese tsena.
(e) hokahanya le setho sa Khabinete se ikarabellang bopoleseng mabapi le bosenyi le bopolesa porofenseng.
(c) ho abelwa yona leanong la naha.
(b) e lokela ho etsa dikgothaletso ho setho sa Khabinete ya ikarabellang bopoleseng.
(6) Ha a fumana tletlebo e tlisitsweng ke lekgotla la porofense, mokgatlo wa ditletlebo wa sepolesa o ikemetseng o thehilweng ke lekgotla la ketsamolao le lokela ho fuputsa boitshwaro bo bobe kapa molato o etswang ke setho sa tshebeletso ya sepolesa porofenseng.
(7) Lekgotla le etsang molao la Naha le lokela ho fana ka moralo wa ho theha, wa matla, wa mesebetsi le ho laolwa ha ditshebeletso tsa sepolesa sa masepala.
(8) Komiti e nang le setho sa Khabinete le ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tse ikarabellang ho hlokomela bopolesa e lokela ho thehwa ho hlokomela tshebedisano e matla mahareng a mafapha a mmuso.
(9) Lekgotla le etsang molao la porofense le ka nna la kopa khomishenara wa porofense ho hlaha ka pela lona kapa dikomiti dife kapa dife ho arabela dipotso.
kapa monna hore e be Mokhomishene wa Sepolesa sa Naha ya tlang ho laola le ho tsamaisa ditshebeletso tsa sepolesa.
(2) Mokhomishenara wa Sepolesa sa naha o lokela ho laola le ho tsamaisa ditshebeletso tsa sepolesa ka ditataiso tsa setho sa Khabinete se ikarabelang mererong ya sepolesa.
(3) Mokhomishenara wa Sepolesa sa naha o lokela ho thonya mosadi kapa monna ho ba mokhomishenara porofenseng ka nngwe, ho ya ka taolo ya molao wa naha.
(b) tlasa taolo ya Mokhomishenara wa Naha ya ho laola le ho tsamaisa ditshebelletso tsa sepolesa ka dipehelo ts sabosekeshene ya (2).
(5) Khomishenara wa porofense o lokela ho tlalehela lekgotla le etsang molao la porofense selemo se seng le se seng ka tsa bopolesa porofenseng, mme a romele kgatiso ya tlaleho ho Khomishenara ya Naha.
porofense, lekgotla leo la phethahatso le lokela ho nka mehato ya ho tebela kapa ho fallisa kapa ho diha kotlo mabapi le khomishenara eo ho ya ka molao wa lekgotla le etsang molao wa naha.
molao la setjhaba e le ho sebetsa ka tlasa tataiso ya setho sa Khabinete se ikarabellang ka tsa bopolesa.
(2 Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso o lokela ho ho kgetha mosadi kapa monna e le hlooho ya tshebeletso dihlwedi e thehilweng ho ya ka karolwana ya (1), mme o lokela ho amohela mosebetsi wa bopolotiki ka ho laola le tataiso ya dithebeletso dife kapa dife, kapa a romele setho sa khabinete ho ikarabella moo.
(b) ho fuputsa baahi ka metsamao ya bona ka dithsebeletso tseo ka mohlahlobi ya kgethilweng ke Mopresidente, e le hlooho ya lekgotla la phethahatso, mme ho amohetswe ka qeto e amohetsweng Seboka sa Naha ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba bonyane pedi tharong ya ditho tsa yona.
(1) Mokgatlo, maemo le mosebetsi wa borena, di a ananelwa ho ya ka molao wa setso, ho itshetlehilwe Molaotheong.
(2) Bolaodi ba setso bo ananelang tsamaiso ya molao wa setso e ka nna ya sebetsa ho ya ka molao ofe kapa ofe le melao ya setso e ka sebediswang, mme e kenyeletsa diphetoho ho, kapa ho phumulwa ha, molao oo kapa melao ya setso.
(3) makgotla a ahlole ka molao wa seso moo ho loketseng teng, empa ho itshetlehilwe ka Molaotheo le molao ofe kapa ofe o sebetsanang le molao wa setso.
(b) lekgotla la molao la setjhaba le ka theha lekgotla la marena.
Ditaba tsa ditjhelete tsa kakaretso krlw.
mmuso wa setjhaba di lokelang ho leshwa, ka ntle ho tjhelete e ka tlamehang hore e se ke ya kenyeletswa ho ya ka Molao wa Palamente.
(b) ha e le molato o jerweng ke Letlole la Kuno la Naha, o dumeletsweng ke Molaotheo kapa Molao wa Palamente.
(3) Karolo ya tekatekano ya porofense ya kuno e bokelleditsweng setjhabeng ka bophara ke tefello e mabapi le Letlole la Kuno la Naha.
Letsatsi la ho qala ha krl. 213: 1 Pherekgong 1998.
(a) karolelano ka tshwanelo ya makgetho e bokeleditsweng naheng ka bophara, diporofenseng le mebusong ya metse.
(i) tlhokahalo ya dikabo tse tsitsitseng le tse ka akanngwang ka nepo tsa pokello ya matlotlo.
(j) ho hlokeha ho fetofeto mabapi le qomatsi kapa ditlhoko tse ding, le mabaka a mang a beilweng hodima diteko tsa maikemisetso a tshwanang.
Letsatsi la ho qala ha krl. 214: 1 Pherekgong 1998.
sebeletswe pepeneneng, ho be le boikarabelo le taolo e atlehileng ya moruo, molato le mesebetsi eo e seng ya mmuso.
(c) hore ditekanyetso lefapheng ka leng di lokela ho bontsha mehlodi ya matlotlo le tsela eo ka yona tekanyetso e nahannweng e tla tsamaelanang le molao wa naha ka teng.
(a) dikakanyo tsa matlotlo le ditshenyehelo, di be di qaqise phapang mahareng a ditjhelete tse hlophiseditsweng ho sebediswa le tse seng di sebediswa.
(c) sesupo sa maikemisetso mabapi le kadimo le mefuta e meng ya melato e jarisweng bohle e tlang ho eketsa molato wa bohle selemong se hlahlamang.
Letsatsi la ho qala ha krl. 215: 1 Pherekgong 1998.
(c) ditshebetso tse tshwanang tsa taolo ya matlotlo.
mererong ya matlotlo a naha, bo ka thibela ho fetiswa ha matlotlo lekaleng la mmuso feela ka lebaka la ho tlolwa ha molao kapa ho se phethiswe ha dipehelo tse karolwaneng ya (1).
(b) e ke ke ya sebediswa ka pelepele, empa e tla thisa ho boela morao ka ntle ha eba Palamente e e dumela ho ya ka tsamaiso e tshwanang haholo le e thehilweng ho ya ka karolo ya 76 (1) mme e balletswe ke melao e kopanetsweng le ditaelo tsa Palamente. Tsamaiso ena e lokela ho qetwa matsatsing a 30 a qeto ya taolo ya matlotlo ya naha.
Krlw.(3) e lokisitswe ke krl. 5 (b) ya Molao 61 wa 2001.
(4) Palamente e ka nna ya tsoseletsa qeto ya ho thibela ho fetiswa ha matlotlo ka nako e sa feteng matsatsi a 120 ka lekgatlo ka nako e le nngwe, ho latelwa tsamaiso e thehilweng karolwaneng ya (3).
(b) porofense e lokela ho nehwa sebaka sa ho ikarabela ditabeng tsa bobare kgahlanong la yona, le ho hlalosa maikutlo a yona, ka pela komiti.
Letsatsi la ho qala ha krl. 216: 1 Pherekgong 1998.
a lokela ho etsa jwalo ho ya ka tsamaiso e se nang leeme, e lekalekanang, e pepeneneng, e ka emelang phehisano le e ka bolokang tjhelete.
(b) tshireletso kapa ntshetsopele ya batho, kapa dihlopha tsa batho ba sitisiswang ke kgethollo e yang ka leeme.
karolwaneng ya (2) le ka sebediswang ka teng.
Krlw.(3) e emetswe ke krl. 6 ya Molao 61 wa 2001.
adimilweng ka feela ha eba tiisetso eo e ikamahanya le mabaka tse ngotsweng molao wa naha.
dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo di nahanwe.
(3) Selemong se seng le se seng, mmuso o mong le o mong o lokela ho phatlalatsa tlaleho ya ditiisetso tseo o faneng ka tsona.
Letsatsi la ho qala ha krl. 218: 1 Pherekgong 1998.
(b) maemo a hodimo a meputso, ditumello kapa ditshwanelo tsa ditho tsa makgotla a diporofense, ditho tsa Makgotla a Phethahatso le ditho tsa Makgotla a Bomasepala ba mehato e fapaneng.
(2) Molao wa naha o lokela ho theha khomishene e ikemetseng ya ho etsa dikgothaletso ka meputso, ditumello le ditshwanelo tse boletsweng ho karolwaneng ya (1).
(3) Palamente e ka fetisa molao o boletsweng ho karolwaneng ya (1) ha feela ho se ho nahannwe ka dikgothaletso dife kapa dife tsa khomishene e thehilweng ka dipehelo tsa karolwana ya (2).
(4) lekgotla la phethahatso la naha, la phethahatso la porofense, masepala kapa bolaodi bofe kapa bofe bo amehang bo ka sebedisa molao wa naha o boletsweng karolwaneng ya (1) kamora ho ho nahana ka dikgothaletso tsa khomishene tse thehilweng ho ya ka karolwana ya (2).
(5) Molao wa naha o lokela ho etsa moralo wa ho beha meputso, ditumello le ditshwanelo tsa baahlodi, Motjhotjhisi le Mohlahlobi-kakaretso, le ditho tsa khomishene efe kapa efe e thehilweng ka taelo ya Molaotheo, ho kenyeletswa le bolaodi ba kgaso bo boletsweng karolong ya 192.
Khomishene ya matlotlo le taolo ya matlotlo krlw.
dikgothaletso le lebeletsweng Kgaolong ena, kapa molaong wa naha, Palamenteng, makgotla a porofense le bolaodi bo laolwang ke lekgotla la naha.
ho se nke lehlakore.
(3) Khomishene e lokela ho sebetsa ka Molao wa Palamente, mme sebetse mesebetsi ya yona, e lokela ho tadimisisa dintlha tsohle ha mmoho le tse ngotsweng karolong ya 214(2).
Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso la naha.
(d) batho ba bang ba robong.
Krlw. (1) e emetswe ke krl. 7 (a) ya Molao 61 wa 2001.
(b) mmuso wa lehae o hlophilweng phethelong ya lenane jwalokaha ho boletswe karolwaneng (1) (c).
[Krlw. (1A) e kentswe ke 7 (b) ya Molao 61 wa 2001.](2) Ditho tsa Khomishene di lokela ho ba le tsebo e batsi.
(3) Ditho di sebetsa nako e thehilweng ho ya ka molao wa naha. Mopresidente a ka nna a tlosa setho ofising ka lebaka la boitshwaro bo bobe, ho holofala le ho hloleha ho sebetsa.
Khomishene e lokela ho tlaleha ka mehla Palamenteng le makgotleng a etsang molao a porofense.
Banka ya Bohareng krlw.
Banka ya Sesiu ya Aforika Borwa ke banka ya bohareng ya Riphaboliki mme e laolwa ke Molao wa Palamente.
2 Banka ya Sesiu ya Aforika Borwa, ka ho leka ho fihlella sepheo sa yona, e lokela ho lokela ho phetha mesebetsi ya yona ka ntle ho tshabo ya letho, e sa sebetse ka leeme kapa ho nahanela, empa ho be le puisano ya ka mehla mahareng a ditho tsa Banka le Khabinete tse ikarabellang ditabeng tsa ditjhelete tsa naha.
Matla le mesebetsi ya Banka ya Sesui ya Aforika Borwa ke eo ka tlwaelo e etswang ke dibanka tse bohareng, mme matla ao a lokela ho laolwa ke ke Molao wa Palamente mme di etswe di be di phethwe ho ya ka mabaka a balletsweng ho ya ka Molao oo.
bokellwang ho ona ditjhelete tsohle tse beilweng ke Molao wa Palamente mme di amohelwa ke mmuso wa porofense.
(b) ha e le molao o tobaneng le Mokotla wa Matlotlo a Makgetho a Porofense, o dumellwang ke Molaotheo kapa molao wa porofense.
(3) Matlotlo a Makgetho a abetsweng mmuso wa motse porofenseng eo ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 214(1), ke molao o tobaneng le Mokotla wa Matlotlo wa porofense eo.
(b) letlole le nehetsweng ho ya ka porofense ho mmuso wa lehae porofenseng eo ho latela karolwana (3) le lokela ho lefshwa ho bomasepala porofenseng.
Karlw. (4) e kentswe ke krl. 8 ya Molao 61 wa 2001.
Letsatsi la ho qala ha krl. 226: 1 Pherekgong 1998.
(b) ho amohela dikabo tse tswang matlotlong a mmuso wa naha, ka tlasa mabaka a itseng kapa a se teng.
(2) Matlotlo a mang ao diporofense kapa bomasepala ba a bokelleditseng ho tswa karolong ya bona ya matlotlo a bokelleditsweng naheng ka bophara, kapa a tswa dikabelong tse itseng tseo ba fumaneng ho hong matlotlong a mmuso wa maha. Ka ho lekana, ha ho tlamo efe kapa efe mmusong wa naha ho lefella diporofense kapa bomasepala ba sa bokelleng letlotlo ho ya ka matla a lekgetho la bona le ka matla a ho lefisa.
(3) Kabelo ya porofense ya matlotlo a fumanwang naheng ka bophara e lokela ho lebiswa porofenseng eo ka pelepele, ho sa fokotswa letho, ka ntle ha eba phethiso eo e thibetswe ho ya ka karolo ya 216.
(4) Porofense e lokela ho ikgwantlella mehlodi efe kapa efe eo e ehlokang, ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo wa porofense eo, e ekelletsang ditlhoko tsa yona tseo Molaotheo ona o di hopotseng.
Letsatsi la ho qala ha krl. 227: 1 Pherekgong 1998.
(b) ditefiso ka tekano hodima mehlodi ya makgetho bakeng sa lekgetho, tefello kapa tlamo e behilweng ke molao wa naha, ntle ho mehlodi ya makgetlo a dikgwebo tse kopanetsweng a kuno, lekgetho le eketsang boleng kapa ditlameho tsa thepa e romelwang.
Serat. (b) e emetswe ke krl. 9 ya Molao 61 wa 2001.
(b) a laolwe ho ya ka Molao wa Palamente, o ka phethwang feela kamora dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene ya Ditjhelete le Matla a lekgetho ha di se di nahannwe.
Letsatsi la ho qala ha krl. 228: 1 Pherekgong 1998.
(b) ha eba di dumelletswe ke molao wa naha, makgetho a mang, ditefello le makgetho a thepa tse tshwanelang mmuso wa selehae kapa mohatong wa mmuso wa selehae oo masepala eo a leng ka tlasa hae, empa ho se masepala ya ka lefisang lekgetho, lekgetho la thekiso, lekgetho le kenyeleditsweng la theko le lekgetho la thepa.
(b) a ka laolwa ke molao wa naha.
(3) Ha bomasepala ba babedi ba na le matla a ho lefisa makgatho mmoho le mesebetsi ho ya ka sebaka se le seng, karolo e loketseng ya matla ao le mesebetsi eo e lokela ho etswa ho ya ka molao wa naha.
(a) tlhoko ya hore ho dumellanwe le metheo e utlwahalang ya lekgetho.
(b) matla le mesebetsi e phethwang ke masepela ka mong.
(c) matla a ho batla lekgetho a masepala ka mong.
(d) ho sebetsa ka ho atleha le ka bokgoni ba ho fumana makgetho, ditefello le ditefo tsa thepa.
(4) Ha ho letho karolong ena le sa kenyeletseng ho arolelana ha makgetho ho ya ka karolo ena mahareng a bomasepala ba nang le matla a ho fumana lekgetho le mesebetsi sebakeng se le seng.
(5) Molao wa naha o lebeletsweng karolong ena o ka phethiswa feela kamora mmuso wa selehae o hlophisitsweng le Khomishene ya Ditjhelete le ya Lekgetho ha ho se ho builwe le tsona, mme dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene di se di nahannwe.
Letsatsi la ho qala ha krl. 229: 1 Pherekgong 1998.
(2) Molao o bolelwang sabosekesheneng ya (1) o ka fetiswa feela ha ho se ho tshohlilwe dikeletso tsohle tsa Khomishene ya Matlotlo le Makgetho.
Krl. 230 e emetswe ke krl. 10 ya Molao 61 wa 2001.
Letsatsi la ho qala ha krl. 230: 1 Pherekgong 1998.
230ADikadimo tsa ditjhelete tsa Masepala.
(b) itlama le Lekgotla la nako e tlang ho ketsamolao wa lona le bolaodi ba phethahatso ho nnetefatsa dikadimo kappa matsete bakeng sa masepala.
(2) Ketsamolao ya Naha eo ho boletsweng ka yona karolwaneng ya (1) e ka kenngwa tshebetsong feela kamora dithoholetso tsa Khomeshene ya Ditjhelete e se e nahanne.
Krl. 230A e kentswe ke krl. 17 ya Molao 34 wa 2001.
Molao wa matjhaba krlw.
phethahatso ya naha.
(2) Tumellano ya matjhaba e tlama Riphaboliki ha feela e se e ananetswe ke Seboka sa Naha sa ketsamolao le Lekgotla la Diporofense tsa Naha ka ho etsa tlamo.
(3) Tumellano ya matjhaba ya mofuta wa setekgeniki, tsamaiso kapa phethahatso ya tlhaho, kapa tumellano e sa hlokeng kananelo kapa kamohelo, e entsweng ke phethahatso ya naha e tlama Riphaboliki ntle le hore e ananelwe ke Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diporofense empa e lokela ho hlahiswa Sebokeng sa Naha sa ketsamolao le Lekgotleng la Naha la Diporofense nako e sa le teng.
(4) Tumellano efe kapa efe ya matjhaba e fetoha molao wa Riphaboliki ha e se e fetisitswe jwale ka molao wa naha, empa pehelo e iphethahatsang ya tumellano e seng e ananetswe ke Palamente ke molao Riphaboliking, ntle ha e le kgahlanong le Molaotheo kapa molao o etswang wa Palamente.
(5) Riphaboliki e tlangwa ke ditumellano tse neng di tlama Riphaboliki pele nakong eo Molaotheo ona o kenang tshebetsong, le Molao wa Matjhaba o tlwaelehileng.
Molao wa matjhaba o tlwaelehileng ke molao Riphaboliking ntle le ho o sa dumellane le Molaotheo kapa molao o etswang wa Palamente.
kgathalla phetolelo e utlwahalang e tsamaelanang le molao wa matjhaba ho na le phetolelo e nngwe e tsamaelanang le molao wa matjhaba.
Merero e meng krlw.
Palamente e ka amohela Dibili tsa Ditokelo le dipehelo tsa Molaotheo.
Tokelo ya batho ba Aforika ka kakaretso ya ho ipopa, jwalo ka ha ho hlalositswe Molaongtheong, ha e kgetholle, ho ya ka mmeedi ya tokelo, ho amohela monahano wa tokelo ya boipopo ha setjhaba sefe kapa sefe se phelang ka setso se tshwanang le puo e tshwanang, sebakeng se le seng Riphaboliking kapa ka tsela efe kapa efe, mme ho laolwa ke molao wa naha.
Hore demokrasi ka mekga e mengata e tle e tswelle, molao wa naha o lokela ho thusa ka ditjhelete mekga ya sepolotiki e sebetsang mmoho makgotleng a molao a naha le porofense, ka mokgwa o sa tshwanang le wa tekatekano.
(b) phethisa bolaodi bofe kapa bofe kapa mosebetsi ofe kapa ofe mabapi le lekala la phethahatso la Mmuso ka boetsetsi kapa boromuwa.
(b) molao o neng o sebediswa ha Molaotheo o sebetsa mme o laolwa ke taolo ke mmuso wa porofense.
Senyesemane e tla amohelwa e nepahetse.
Shejulu ya 6 e sebetsa ho fetoheng molaong wa motheo o motjha o thehilweng ke Molaotheo ona, le taba e ka itlhahelang feela phetohong eo.
Melao e boletsweng Shejulung ya 7 e phumutswe, ho ya ka karolo ya 243 le Shejulu ya 6.
sebetsa ka pelenyana feela mohla letsatsi le beilweng ke Mopresidente ka kgoeletso, mme e ke ke ya eba pele ho mohla 1 Phupu 1997.
(2) Mopresidente a ka beha matsatsi a fapaneng pele ho mohla o boletsweng karolwaneng ya (1) ho ya ka dipehelo tse fapaneng tsa Molaotheo.
(3) Ka ntle ha eba dikahare di hlalosa ka tsela e nngwe, tlhaloso pehelong ya Molaotheo ho fihlela ha Molaotheo o sebediswa o nkuwe o bolela nako eo pehelo eo e sebedisitsweng ka yona.
ka karolwana ya (2), pehelo efe kapa efe e tshwanang le ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa ya 1993 (Molao wa 200 wa 1993), o boletsweng kgoeletsong, o phumutswe ho tloha ka letsatsi le tshwanang le leo.
1Pherekgong 1998, mme hona ha ho kgetholle ho phethwa ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo wa molao o lebeletsweng ho dipehelo tseo pele ho letsatsi leo. Pele ho letstsi leo dipehelo tse tshwanang le tsa sewelo tsa Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1993, o tla nne o sebetse.
(1) Folakga ya naha e motopo o kgutlonnetsepa; mme e bolelele bo fetang bophara ka halofo.
(2) E ntsho, ka mmala wa kgauta; e tala; e tshweu; bofubedi ba tjhilisi le botala ba lehodimo.
(3) E na le motako o motala wa sebopeho sa tlhaku ya Y, oo bophara ba ona bo nkang karolo ya bonngwe bohlanong. Mela e hare ya motako e qala hodimo le tlase ditlheng haufi le palo ya folakga, mme e teane bohareng ba moeding o se nang letho.
(4) Motako o motala o dikilwe ka hodimo le ka tlase ke bosweu, mme ho leba nqeng ya palo ya folakga, ke wa kgauta. Mebala ena e dikile nngwe leshomeng le metso e mehlanong ka bophara ba folakga.
(5) Kgutlotharo e haufi le palo ya folakga e ntsho.
(6) Motako o ka hodimo o tshekaletseng o bofubedu ba tjhilisi, mme bo ka tlase bo botala ba lehodimo. Metako ena e na le bophara ba bonngwe borarong jwalo ka ba folakga.
Shejulu ya 1a e kentsweng ka s. 4 ya Molao wa Tokiso ya Leshome le metso e mmedi wa 2005 mme ya hlakolwa ka s.
Mopresidente/Moprtesidente wa mokobobo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa NNA, A.B.
ke inehela bophelong bo botle ba Riphaboliki le batho bohle ba yona.
Mabapi le kano : Modimo nthuse.
Pontsheng ya bohle ba bokaneng mona, ke bile ke elellwa ka botlalo boikarabelo boo ke bo amohelang ba maemo hodimo NNA ke kena tshebetsong ke le Motlatsi wa Mopresidente wa Riphaboliki ya Aforika Borwa, ke tla NNA A.B.
ho ntshetsa pele tsohle tse tla tswellisa pele Riphaboliki, mme ke be kgahlanong le tsohle tse ka e beang mathateng.
ho itella bophelo bo botle ba Aforika Borwa le batho bohle ba yona.
Mabapi le kano: Modimo nthuse.
NNA, A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Riphaboliking ya Aforika Borwa mme ke tla ikokobeletsa, hohlompha le ho phethisa Molao wa Motheo le melao e meng ya Riphaboliki; ke ke itlama ho phethisa mosebetsi jwalo ka Letona/Motlatsi wa Letona ka tlotla le seriti; ho ba le nnete moeletsi wa nnete ya tshepahalang, ke sa senole ka boomo kapa kaho thella ha leleme makunutu ao ke tshepetsweng ona; le ho phethisa mesebetsi ya ka ka boikitlaetsole ka moo nka kgonang ka teng.
Mabapi le kano: Modimo nthuse.
NNA A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Riphaboliking ya Aforika Borwa mme ke tla ikokobetsa, ho hlompha le ho phethisa Molaotheo le melao e meng ya Riphaboliki, mme ke tshepisa ho phetha mesebetsi jwalo ka setho sa Seboka sa Naha/moromuwa wa kamehla wa Lekgotla la Naha la Diporofense tsa Ntshetsopele ya Molaotheo ho ya ka matla oohle a ka.
Mabapi le kano: Modimo nthuse.
(2) Batho ba kwalang sekgeo Sebokeng sa Naha, baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la Naha la Diporofense kapa ka hara lekgotla la ketsamolao ba ka ikana kapa ho itlama ka dipehelo tsa karolwana ya (1) ka pela mosebeletsi wa molao ya okametseng Seboka, Lekgotla kapa lekgotla la ketsamolao ka moo ho leng ka teng.
NNA, A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Riphaboliking ya Aforika Borwa mme ke tla ikokobeletsa, ke hlomphe ke be ke phethahatse Molaotheo le melao yohle ya Riphaboliki; mme ke ikemisetsa ho sebetsa ke le Tonakgolo/setho sa Lekgotla la Phethahatso la porofense ya CD ka tlotla le seriti; ho ba moeletsi wa nnete le ya tshephalang; ke se ke ka sibolla ka ho otloloha kapa ka ho potoloha makunutu ao ke a tshepetsweng; le ho phetha mesebetsi ya ka ka boikitlaetso le ka matla oohle a ka.
NNA, A.B. ke ikana/itlama hore, jwalo ka Moahlodi wa Lekgotla le wa Molaotheo/Lekgotla le Phahameng la Boipiletso/Lekgotla le Leholo la EF/Lekgotla GH, ke tla tshepahala Riphaboliking ya Aforika Borwa, ke phethahatse le ho sireletsa Molaotheo; mme ke sebetsa ka toka ho bohle ka ho tshwana ka ntle ho tshabo, leeme kapa ho nahanela motho, ho ya Molaotheo le molao.
Mabapi le kano: Modimo nthuse.
(2) Motho ya kgethilweng ho sebetsa e le Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso eo e seng moahlodi ha jwale ka nako eo ya ho kgethwa o tlameha ho ikana kapa ho itlama ka pela Mopresidente wa Lekgotla la Molaotheo.
(3) Basebeletsi ba toka.
ikana/itlama ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la naha la ketsamolao.
Shejulu ya 3 e lokisitswe ka s. 2 ya Molao wa Tokiso ya Bone wa 1999, ka s. 19 ya Molao wa Tokiso ya Botshelela wa 2001, s. 3 ya Molao wa Tokiso ya Borobong wa 2002 le ka s.
(c) Lekgotla la ketsamolao la porofense le kopana ho kgetha Tonakgolo ya porofense kapa Motsamaisi wa Dipuisano kapa Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa lekgotla la ketsamolao.
Motho eo e leng modulasetulo kopanong eo Shejulu ena e lebaneng le yena o lokela ho bitsa ho thonngwa ha bonkgetheng kopanong eo.
(1) Ho thonngwe ka foromo e balletsweng ka melawana e ngotsweng karolong ya 9.
(c) ke ditho tse pedi tsa lekgotla la ketsamolao la porofense e amehang, ha eba Tonakgolo ya Porofense kapa motsamaisi wa Dipuisano kapa Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa lekgotla la ketsamolao.
(3) Motho ya thontsweng o lokela ho bontsha hore o amohela ho thonngwa ka ho saena foromo eo a thontsweng ka yona kapa ka bopaki bofe kapa bofe bo ngotsweng.
Kopanong eo Shejulu ena e tla sebediswang teng, motho eo e leng modulasetulo o lokela ho phatlalatsa mabitso a batho ba thontsweng ho ba bonkgetheng, empa a se dumelle diphehisano dife kapa dife.
nkgetheng eo o se a kgethilwe.
(c) modulasetulo o lokela ho phatlalatsa hore motho ya kgethuweng ke ya tla fumana dikgetho tse ngata.
(1) Ha ho se nkgetheng ya fumaneng dikgetho tse ngata, nkgetheng ya fumaneng dikgetho tse nnyane ka ho fetisa o lokela ho ntshwa ebe ho boetse ho kgethwe bonkgetheng ba setseng ka moo karolo ya 6 e hlalosang ka teng. mokgwa ona o nne o tswele pele jwalo ho fihlela ho fumaneha nkgetheng ya fumanang dikgetho tse ngata.
(2) Ha ho sebediswa karolwana ya (i), ha eba bonkgetheng ba babedi kapa ka bomong ba na le dikgetho tse tlase, kgetho e ka thoko e etswe ho bonkgetheng bao, mme e phetse kgafetsa ka moo ho ka hlokahalang ka teng ho akanya hore ke nkgetheng ofe ya tla ntshwa.
(1) Ha ho ka ha thonngwa bonkgetheng ba babedi feela, kapa ha ho ka sala bonkgetheng ba babedi kamora tsamaiso ya ho ntsha e entswe, mme bonkgetheng bao ba babedi ba fumana palo e lekanang ya dikgetho, kopano e nngwe e tshwarwe matsatsing a supileng, ka nako e balletsweng ke modulasetulo.
(2) Ha ho ka tshwarwa kopano e nngwe ho ya ka karolwana ya (1), tsamaiso e balletsweng ke Shejulu ena e lokela ho sebediswa kopanong eo jwalo ka ha eka ke kopano ya ele ya dikgetho.
(d) mokgwa oo ho tlang ho kgethwa ka ona.
a tla akanyang ka teng.
Ntlha ya 9 e emetswe ke krl. 19 ya Molao 34 wa 2001.
Baromuwa ba boromuwa ba porofense Lekgotleng la Naha la Diporofense leo mokga o tlamehang ha ba ho ona, le tlameha ho akanngwa ka ho atisa palo ya maemo eo mokga o nang le ona lekgotleng la ketsamolao ka leshome mme ho arolwe palo e fumanwang ka palo ya maemo a lekgotleng la molao ka nngwe.
Ha eba tshebetso ya ho latela ntlha ya 1 e fana ka keketso e sa ananelang baromuwa ba abetsweng mokga ho ya ka ntlha eo, keketso e tlameha ho phehisana le dikeketso tse tshwanang le yona tse tswang mokgeng ofe kapa ofe kapa mekga, mme baromuwa ba sa ajwang boromuweng ba abuwe mokgeng kapa mekgeng ho ya ka tatelano ya keketso e hodimo.
Haele hore ba keketso ba phehisanang jwalokaha ho boletswe ntlheng ya 2 ba lekana, baromuwa ba sa ananelang boromuweng ba lokela ho abelwa mokga kapa mekga, ho kenyeletswa mekga e kopaneng jwalokaha ho hlalositswe karolong ya 61 (2) (b), ka keketso e tshwanang ka tatellano ya ho tloha palong ya dikgetho tse hodimo ho isa ho tse tlase tse rekotilweng bakeng sa mekgatlo eo nakong ya ho qetela ya dikgetho bakeng sa ketsamolao ya porofense e amehang.
Ntlha ya 3. e tlatseditswe ka s.2 ya Molao wa Tokiso ya Bone wa 1999 mme ya hlakolwa ka s. 3 ya Molao wa Tokiso ya Borobong wa 2002 le ka s.
Ebang mekgatlo e fetang bonngwe e nang le poello e tshwanang e rekotile palo e tshwanang ya divoutu nakong ya dikgetho tse sa tswa feta tsa ketsamolao ya porofense e amehang, ketsamolao e amehang e tlameha ho kenya baromuwa ba sa ajwang borumuweng ba mokgatlo o nang le poello e tshwanang ka mokgwa o tsitsitseng le wa demokerasi.
Ntlha ya 4. e tlatseditswe ka s.5 (b) ya Molao wa Tokiso ya Leshome le metso e mene wa 2008. mme ya hlakolwa ka s. 6.
Shejulu ya 6 e lokisitswe ke krl. 20 ya Molao 34 wa 2001.
wa 1993 (Molao wa 200,1993).
(b) o ntse o laolwa ke balaodi ba laolang Molaotheo o motjha o ntseng o sebetsa, o ikamahantse le Molaotheo o motjha.
(f) ho puo ya mmuso kapa dipuo tsa mmuso, e nkuwe e supa puo efe kapa efe ya mmuso ho ya ka Molaotheo o motjha.
(ii) Tonakgolo ya porofense ho ya ka Molaotheo o motjha, ha eba taolo ya molao oo e abetswe kapa e behetswe ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale Shejulu ena lekgotleng la phethahatso la porofense.
(1) Motho ofe kapa ofe eo e neng e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa Seboka sa Naha ha Molaotheo o motjha o qala ho sebediswa, e eba setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa Seboka sa Naha ho ya ka Molaotheo o motjha, mme o sebetsa e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo o motjha.
(2) Seboka sa Naha se thehilweng ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (1) se lokela ho nkuwa jwalo ka ha eka se kgethilwe ho ya ka Molaotheo o motjha o felang ka 30 Mmesa 1999.
(3) Seboka sa naha se bopilwe ka ditho tse 400 ho fihlela ka 30 Mmesa 1999. ho ya ka karolo ya 49 (4) ya Molaotheo o motjha.
o sebediswa, di tla tswela pele ka ho sebetsa, mme di laolwa ke ho fetolwa kapa ho phumulwa.
(1) Morero ofe kapa ofe o so kang o qetwa ke Sebokeng sa Naha ha Molaotheo o sebediswa o tswele pele ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo o motjha.
(2) Morero ofe kapa ofe o tshwerweng ke Senate ha Molaotheo o motjha o sebediswa o lebiswe Lekgotleng la Naha la Diporofense, mme Lekgotla le lokela ho tswela pele ka morero oo ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo o motjha.
(1) Ha ho dikgetho tsa Seboka sa Naha tse tla tshwarwa pele ho 30 Mmesa 1999.
Ka ntle ha eba Seboka se ka qhalwa ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 50 (2) kamora hore ho fetiswe kgetho ya ho hloka ho se tshetjwe ha Mopresidente ho ya ka karolo ya 102 (2) ya Molaotheo o motjha.
(2) Karolo ya 50 (1) ya molao o motjha e sa emisitswe ho fihlela 30 Mmesa 1999.
(b) ho lahlehelweng ha botho ba Seboka ka mabaka a mang a sa ngolwang karolong ya 47(3) ya Molaotheo o motjha.
(c) ho tlatseng dikgeo Sebokeng, le ha ho tlatseletswa, ho lekolwa le ha ho sebediswa mananeo a mekga e bile a sebediswa ha ho tlatswa dikgeo tsa mosebetsi, ho fihlela dikgetho tsa bobedi tsa Seboka tsa Molaotheo ona o motjha.
(4) Karolo ya 47(4) ya Molaotheo o motjha e emisitswe ho fihlela ka dikgetho tsa bobedi ho ya ka Molaotheo o motjha.
(b) ka thonya batho ba bang ho ba baemedi ba ka mehla ha feela ho se ba bang kapa palo e sa lekaneng ya ditho tsa kgale tsa basenate.
(3) Lekgotla le etsang molao la porofense le lokela ho thonya baromuwa ba ka meha ho ya ka ho thonya ha mekga.
(4) Dikarolwana tsa (2) le (3) di sebetsa feela ha ho thonngwa baromuwa ba ka mehla lekgetlo la pele Lekgotleng la Naha.
kgale tsa Senate hore e be baromuwa ba ka mehla ho ya ka dipehelo tsa temana ena.
sebetsa, di lokela ho sebediswa mererong ya Lekgotla la Naha ho fihlela boemong ba ho sebediswa, e ikamahantse le diphetoho dife kapa dife kapa ho phumulwa.
(1) Motho eo e neng e le setho sa Senate ya sa thonngwang ho ba moromuwa wa ka mehla wa Lekgotla la naha la Diporofense o na le tokelo ya ho ba setho se felletseng sa lekgotla la ketsamolao la porofense leo motho a le thonyeditsweng hore e be setho sa Senate ho ya ka karolo ya 48 ya Molaotheo wa kgale.
(2) Ha motho eo e neng e le setho sa Senate a ikgethela ho se be setho lekgotleng la ketsamolao la porofense, motho eo o nkuwa jwalo ka motho ya tlohetseng mosebetsi wa ho ba setho sa Senate letsatsi pele Molaotheo o motjha o sebediswa.
(3) Moputso, ditumellwa le kumo tsa setho sa mehleng sa Senate se thontsweng ho ba moromuwa wa ka mehla kapa setho sa lekgotla la ketsamolao la porofense di ke ke tsa fokotswa feela ka lebaka la ho thonngwa hoo.
Phethahatso, Letona kapa Motlatsi wa Letona ho ya ka Molaotheo wa kgale, ha Molaotheo o motjha o ne o sebediswa, o tswella ho ba setho, mme o dula mosebetsing ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo o motjha, empa e ikamahanye le temana ya (2).
(2) Ho fihlela 30 Mmesa 1999 dikarolo tsa 84, 89, 90, 91, 93 le 96 tsa Molaotheo o motjha di nkuwe jwalo ka ha eka di baleha ka mokgwa o hlahisitsweng Sehlomathisong sa B Shejulung ena.
(3) Temanenyana ya (2) ha e thibele Letona leo e neng e le setho sa Senate ha Molaotheo o motjha o sebediswa, ho tswela pele e le Letona jwalo ka ha ho ngotswe karolwaneng ya 91(1)(a) ya Molaotheo o motjha, jwalo ka ha karolo eo e ngotswe Sehlomathisong sa B.
lekgotla la ketsamolao wa porofense ha Molaotheo motjha o sebediswa, motho eo e eba setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa porofense eo ho ya ka Molaotheo o motjha, mme o sebetsa e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso ho ya ka Molaotheo o motjha mmoho le Molaotheo wa porofense o ka bang teng.
(2) Lekgotla la ketsamolao la porofense le bopilweng ka dipehelo tsa temanenyana ya (1) le nkuwe e le le kgethuweng ho ya ka Molaotheo o motjha nakong e tla fela ka 30 Mmesa 1999.
(3) Ho ya ka nako e balletsweng e felang ka 30 Mmesa 1999, e ikamahantse le karolo ya 108(4), lekgotla la ketsamolao la porofense le na le ditho tse ngata tse balletsweng molao oo ho ya ka Molaotheo wa kgale le palo ya ditho tsa Senate tsa kgale tseo jwale e seng e le ditho tsa lekgotla la ketsamolao ho ya ka dipehelo tsa temana ya 8 ya Shejulu ena.
(4) Melawana le ditaelo tsa lekgotla la ketsamolao la porofense e sebediswang ha Molaotheo o sebediswa, e tswela pele, e ikamahantse le ho fetolwa le ho phumulwa.
(c) ho tlatsweng ha dikgeo tse teng tsa mosebetsi lekgotleng la ketsamolao, le tlatseletsong, ho lekolweng le ho sebedisweng ha mananeo a dikgeo tsa mosebetsi, ho fihlela dikgetho tsa bobedi tsa lekgotla la ketsamolao ho ya ka Molaotheo o motjha.
(2) Karolo ya 106 (4) ya Molaotheo o motjha e emisitswe bakeng sa lekgotla la ketsamolao la porofense ho fihlela nako ya dikgetho tsa bobedi tsa lekgotla la ketsamolao ho ya ka Molaotheo o motjha.
porofense ha molaotheo o motjha o kena tshebetsong e tswela pele e le setho, mme o kena mosebetsing ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo o motjha le molaotheo wa porofense o ka bang teng feela ho sa lebalwe dipehelo tsa temana ya (2).
(2) Ho fihlela Tonakgolo e kgethilweng kamora dikgetho tsa lekgotla la ketsamolao la porofense ho ya ka Molaotheo o motjha e kena mosebetsing, kapa porofense e sebedisa molaotheo wa yona, ho sa natswe hore ke efe e etsahalang pele, dikarolwana tsa 132 le 136 tsa Molaotheo o motjha di lokela ho utlwisiswa jwalo ka ha ho ngotswe Sehlomathisong ho ya ka Shejulu ena.
kena tshebetsong o lokela ho itshetleha ka karolo ya 143 ya Molaotheo o motjha.
wa tsamaiswa ka taolo lekgotleng la phethahatso la naha, o ka ajwa ke Mopresidente, ka kgoeletso , ho ya nang le matla lekgotleng la phethahatso la porofense ka tumello ya Lekgotla la Phethahatso la porofense.
(c) laola morero ofe kapa ofe wa bohlokwa ka lebaka la kabo, ha mmoho le ho falliswa kapa kadimano ya basebetsi, kapa ho fetiswa ha thepa, melato, ditokelo le ditlamo, ho di isa kapa ho di amohela ho tswa lekgotleng la phethahatso la mmuso kapa la porofense kapa lefapha lefe kapa lefe la Mmuso, taolo, tshebeletso ya tshireletso kapa mekgatlo e meng feela.
(3) (a) Kgatiso ya kgoeletso ka nngwe e entsweng ho ya ka dipehelo tsa temananyana ya (1) kapa (2) e lokela ho nehelwa Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diporofense matsatsing a 10 a phatlalatso ya kgoletso.
(ii) tokelo kapa tshwanelo e fumanweng kapa tlameho kapa molao o hlahileng pele e thisa.
(4) Ha molao o ajwa ho ya ka dipehelo tsa temananyana ya (1), tlhaloso efe kapa efe ya molao ho molaodi ya e laolang, e amohelwe e le tlhaloso ho molaodi eo a filweng mosebetsi oo.
mmoho le phetolo, kamohelo kapa ho phumulwa le phetiso botjha ya molao kapa ketso efe kapa efe e etswang ka karolo eo, e tla nkwa jwale ka ha e ka e entswe ho ya ka temana ena.
kapa ofe o ka ntle ho matla a Palamente ha Molaotheo o motjha o sebediswa, bo tla dula bo na le tshwanelo ya ho tsamaisa molao ho fihlela o abelwa bolaoding bo lekgotleng la phethahatso la porofense ho ya ka dipehelo tsa temana ya 14 ya Shejulu ena.
(b) le tumellano le Molaotheo o motjha.
(a) Lekgotla la Molaotheo le thehilweng ke Molaotheo wa mehleng le fetoha Lekgotla la Molaotheo tlasa Molaotheo o motjha.
Temananyana (b) e hlakotswe ke krl. 20 (a) ya Molao 34 wa 2001.
(3) (a) Karolo ya Lekgotla la Boipiletso ya Lekgotla le Phahameng la Aforika Borwa le fetoha Lekgotla le Phahameng la Boipiletso tlasa Molaotheo o motjha.
Temananyana (b) e hlakotswe ke krl. 20 (b) ya Molao 34 wa 2001.
(a) Karolo ya porofense kapa ya selehae ya Lekgotla le Phahameng la Aforika Borwa kapa Lekgotla le Phahameng la lehaeng kapa karolo e akaretsang ya lekgotla la mofuta oo, e fetoha Lekgotla le Phahameng tlasa Molaotheo o motjha ho se phetoho ya letho sebakeng seo le nang le matla a molao, ho ya ka ho arolwa hofe kapa hofe ho nahannweng temananyeng ya 6.
(b) Mang kapa mang ya sebetsang ofising kapa a thonngwe ho ka sebetsa ofising e le Moahlodi wa Mopresidente, Motlatsi wa Moahlodi wa Mopresidente kapa moahlodi wa lekgotla la dinyewe eo a hlalositsweng temaneng ya (a) ha Molaotheo o sebediswa, e tla ba Moahlodi wa Mopresidente kpa moahlodi wa lekgotla le jwalo la dinyewe ho ya ka Molaotheo o motjha, ho ya le ka ho arolwa ho nahannweng temanenyaneng ya (6).
amohelwa e le ho bolela Lekgotla la Molaotheo ka tlasa Molaotheo o motjha.
(c) Karolo ya porofense kapa ya selehae ya Lekgotla le Phahameng la Aforika Borwa kapa lekgotla le phahameng la lehae kapa karolo e akaretsang ya lekgotla leo e nkwe e bolela Lekgotla le Phahameng.
(a) Ha ho ka kgoneha ka pele ka mora hoba Molaotheo o motjha o sebediswe makgotla oohle, mmoho le moralo a ona, sebopeho, tshebetso le matla a tshebetso, le molao o lokelang, o lokela ho hlophiswa botjha ka sepheo sa ho theha tsamaiso ya toka e tshwanelang ditlhoko tsa Molaotheo o motjha.
(b) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa toka, mme e sebetsa nakwana feela kamora therisano le Khomishene ya Ditshebeletso ya Molao, a qale tlhophiso e ntjha e lebeletsweng temaneng ya (a).
(iv) Motlatsa Moahlodi e Moholo, e ba Motlatsa Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso jwalokaha ho boletswe karolong ya 168 (1) ya Molaotheo o motjha.
(b) Melao yohle, dipehelo kapa ditsamaiso tse entsweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molaotheo kapa Moahlodi e Moholo tse keneng tshebetsong hanghang pele Molao wa 2001 wa Tokiso ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa o neng o kena tshebetsong, etswela pele ho fihlela e hlakolwa kapa e lokiswa.
(c) Ntle le haeba ho sa lekalekanwe ka maemo kapa ho hlakile hore ha ho maemong a matle, keletso ya molao kapa tsela ya Moahlodi e Moholo kappa Moporesidente wa Lekgotla la Molaotheo, e lokela ho nkuwa jwaloka keletso e yang ho Moahlodi e Moholo jwalekaha e hlalositswe karolong ya 167 (1) ya Molaotheo o motjha.
Temananyana (7) e kentswe ke krl. 20 (b) ya Molao 34 wa 2001.
o kena tshebetsong di lokela ho phethwa jwalo ka ha eka Molaotheo o motjha o ne o sa fetiswa, ntle le ha ditshwanelo tsa toka di bontsha ka mokgwa o mong.
wa Palamente o lebeletsweng karolong ya 179 ya Molaotheo o motjha o sebediswa.
Temananyana ena ha e ame ho thonngwa ke Motsamaisi wa Setjhaba wa Botjhutjhisi ba Setjhaba ka dipehelo tsa karolo ya 179.
pele ka mosebetsi ho ya ka dipehelo tsa molao o amanang le mosebetsi oo, ho sa lebalwe dipehelo tsa temananyana ya (1).
Motho ya tswelang pele a le mosebetsing tlasa dipehelo tsa Shejulu ena a bile a se a entse kano kapa boitlamo ba mosebetsi tlasa Molaotheo wa kgale, ha a tlamehe hore a phete kano kapa boitlamo tlasa Molaotheo o motjha.
Serat. (b) se lokisitswe ke krl. 4 ya Molao 65 wa 1998.
(b) tumellano la Molaotheo o motjha.
(3) Dikarolo tsa 199(1), 200(1),(3) le (5) ho fihlela ho (11) le 201 ho fihlela ho 206 tsa Molaotheo wa kgale, di tla dula di le tshebetsong ho fihlela di phumulwa ka Molao wa Palamente o fetisitsweng tlasa dipehelo tsa karolo ya 75 ya Molaotheo o motjha.
(4) Ditho tsa Khomishene ya Tshebeletso ya Toka tse bolelwang karolwaneng ya 105(1)(h) ya Molaotheo wa kgale ha e sa hlole e le ditho tsa Khomishene ha ditho tseo ho hlalositsweng karolong ya 178 (1)(i) ya Molaotheo o motjha ba kgethelwa ho ba mosebetsing.
(ii) hore o dumellane le Molaotheo.
sebetsa ho fihlela di hlakolwa ka Molao wa Palamente o fetisitsweng tlasa dipehelo tsa karolo ya 75 ya Molaotheo o motjha.
kapa wa porofense, molao oo o lokela ho fetiswa ke bolaodi bo lokelang ka nako e lekaneng ya mohla Molaotheo o motjha o neng o sebetsa.
o lebeletsweng o fetiswa.
tse tharo di feta ka mora molao o lebeletsweng o fetiswa.
sebediswang, empa ho hlokeha ha molao o etswang nakong ena ha ho thibele tshebediso ya leano le hlalositsweng karolong ya 217 (2).
o motjha o fetisitswe, molao wa porofense ka nngwe o ka nna wa lekanyetsa tsamaiso ya ona ho ya ka dipehelo tseo ka tsona matla a fuweng baromuwa ba ona ho e kgethela Lekgotleng la Naha la Diporofense.
o fetisitswe, masepala o na le matla a ho beha boholo ba lekgetho, kapa tefello ya thepa eo a filweng matla a ho a batla ha Molaotheo o qala ho sebediswa.
ho ho phumulwa ha Molaotheo wa kgale, dipehelo tsohle tse tsamaelanang le tshwarelo e fuperweng Molaotheong wa mehleng ho ya ka sehlooho sa "Kopano ya Naha le Poelano" di lokela ho ba karolo ya Molaotheo o motjha mabapi le Molao wa Nthsetsopele ya Kopano ya Naha le Poelano, wa 1995 (Molao wa 34 wa 1995), jwalo ka ha o fetotswe, ho kenyeletswa mabaka a yona a bonnete.
(2) Bakeng sa sepheo sa temananyana (1), letsatsi la 6 Tshitwe 1993 le hlahellang Molaotheong o fetileng tlasa sehlooho se reng 'Kopano ya Setjhaba le Poelano', le lokela ho ba '11 Motsheanong 1994'.
Temananyana (2) e kentswe ke krl. 3 ya Molao 35 wa 1997.
(1) Molao wa naha o lebeletsweng dikarolong tsa 9 (4), 32 (2) le 33 (3) tsa Molaotheo o motjha o lokela ho fetiswa nakong ya dilemo tse tharo ho tloha mohlang Molaotheo o motjha o kenngwang tshebetsong.
'(1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tseba ditaba kaofela tseo mmuso o di tsebang kapa e meng ya makala mafapheng afe kapa afe a mmuso ha feela tsebo eo e hlokeha mabapi le ho phethisa kapa ho boloka tse ding tsa ditokelo tsa tsona.'
(d) mohato wa taolo wa toka ho ya ka mabaka a filweng moo ditokelo tsa bona di amehang teng kapa di bang kotsing.'.
lebeletsweng dikrolong tseo, ka latellana, ha di a fetiswa ka dilemo tse tharo tsa mohla Molaotheo o sebediswang.
(c) tumellano le Molaotheo o motjha.
(2) Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba le dikhomishene tsa ditshebeletso tsa diporofense tse hlaloswang Kgaolong ya 13 ya Molaotheo wa kgale, di dula di le tshebetsong tlasa dipehelo tsa Kgaolo eo, mme molao o sebediswang ho yona jwalo ka ha eka Kgaolo eo e hlakotswe, ho fihlela Khomishene le dikhomishene tsa diporofense di fediswa ka Molao wa Palamente o fetisitsweng ka dipehelo tsa dikarolo tsa 75 tsa Molaotheo o motjha.
(b) tumellano le Molaotheo o motjha.
Riphaboliking nako e fetang kgwedi tse 12 a le tjhankaneng a ne a sa fuwa boikgethelo ba faene, ha a tshwanela ho kgethelwa ho ba setho sa Seboka sa Naha kapa lekgotla la ketsamolao wa porofense.
Temananyana (a) e emetswe ke krl. 5 (a) ya Molao 65 wa 1998.
morena wa setjhaba ya hlokometseng melo ya setso mme a dula sebakeng seo e leng sa lekgotla la phetoho la selehae, lekgotla la phetoho la mahaeng kapa lekgotla la boemedi la phetoho, le hlalositsweng Molaong wa Phetoho wa Mmuso, wa 1993, mme o hlwailwe jwalo ka ha o ngotswe karolong ya 182 ya Molaotheo wa kgale, mme e ka ba setho se seng molaong, se tshwanelang ho ba setho sa lekgotla leo ho fihlela 30 Mmesa 1999 kapa ho fihlela Molao wa Palamente o fana ka molao o mong.
Temananyana (b) e emetswe ke krl. 5 (a) ya Molao 65 wa 1998.
(2) Karolo ya 245 (4) ya Molaotheo wa mehleng e sa ntse e sebediswa ho fihlela tshebediso ya karolo eo e ba e fela. Karolo 16(5) le ya (6) Molao wa Mmuso wa Selehae, wa 1993, o ke ke wa hlakolwa pele ho 30 Mmesa 1999.
Temananyana (2) e lokisitswe ke krl. 5 (b) ya Molao 65 wa z1998.
tsitsitseng le ruilweng ke Mmuso le matleng a mmuso o itseng ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 239 ya Molaotheo wa kgale, mongodisi wa ditumellano tseo o tlameha ho hlokomela hore tsohle tse ngotsweng kapa ditiiso kapa bongodisi bo batlehang bofe kapa bofe, lebitso la ditumellano kapa ditokomane tse ding tsa ho ngodisa leruo le tsitsitseng lebitsong la mmuso.
(2) Ha ho lekgetho, tefello kapa tefo efe kapa efe e tla leshwa ho ya ka ngodiso ho ya ka dipehelo tsa temananyana ya (1).
1. Mekga e ngodisitsweng ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la naha la ketsamolao mme le phehisana ka kgetho ya Seboka sa Naha, e tla thonya bonkgetheng ba kgetho eo lenaneng la bonkgetheng le lokiseditsweng ho latela Shejulu le lekgotla la naha la ketsamolao.
(a) Halofo e nngwe ya memo e mananeong a tswang mabatoweng e rometswe ke mekga ka ho fapana, ka palo e tsitsitseng ya maemo e ka boloetswe lebatowa ka leng jwalo ka ha le akantswe ke Khomishene, le mabapi le dikgetho tse tlang tsa Seboka, ho nahanwe le tsebiso ya saense e teng ya boikarabelo ho latela bakgethi baemedi ba nag le thahasello ba mekga.
(b) Halofo e nngwe ya maemo a tswang mananeong a naha a fuweng ke mekga ka ho fapana, kapa mananeong a mabatowa moo mananeo naha a sa kang a romelwa.'.
'3. Mananeo a bonkgetheng bao ho nehelenwang ka bona ke mokga, a tla kenyelaetsa mabitso a sa feteng palo ya bonkgetheng ba lekanang le palo ya maemo a Sebokeng sa Naha, mme lenaneo ka leng le tla bontsha mabitso tlhohomisong eo e tsitsitseng ya ka moo ba ratang jwalo ka ha mokga o ka laolwa.'.
'5. Ditulo tseo ho buuwang ka tsona ntlheng ya 2(a) di tla abelwa lebatowa ka leng ho mekga e phehisanang ka dikgetho, tjena:'.
'(a) Palo ya dikgetho ka tulo ka nngwe e tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ya dikgetho tse entsweng naheng yohle ka palo ya ditulo tse Sebokeng sa Naha, le se le seng, le sephetho le se le seng, ho sa natswe dikotwana, e tla palo ya dikgetho ho ya ka ditulo.'.
'(b) Phetolo ya palo ya dikgetho tsa ditho di tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ha yona e kgethilweng naheng, ho tloswa palo ya dikgetho naheng yohle ho etsetsa mokga o mong oo ho buisanweng ka ona temaneng ya (a), ka palo ya ditho Sebokeng, le se le seng, ho tloswa palo ya ditho tse abilweng ha ho qetwa mokgeng oo ho ya ka dipehelo tsa temana ya (a).'.
'10. Palo ya ditho lekgotleng la ketsamolao porofenseng di tla bewa ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 105 ya Molaotheo o motjha.'.
'11. Mekga e ngodisitsweng ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la ketsamolao la naha mme di phehisana ka dikgetho tsa lekgotla la ketsamolao la porofense, le tla kgetha bakgethwa hore ba kgethelwe lekgotla leo la ketsamolao mananeng a porofense a lokiseditsweng ho ya ka Shejulu ena le lekgotla la ketsamolao.'.
(2 Ho ya ka kgetho ya dipehelo tsa ntlha e ka tlase ya (1), ha lebitso la mokgethwa le hlahella hangata mananeng a mang a seboka sa Naha le lekgotla la ketsamolao la porofense (ha eba kgetho ya Seboka le lekgotla la ketsamolao a tshwerwe ka nako e le nngwe), mme mokgethwa eo a tla kgethwa e le moemedi dibakeng tse ngata, mokga o rometseng lenane le jwalo o tla, kamora matsatsi a mabedi kamora phatlalatso e jwalo, hlalosetsa Khomishene hore mokgethwa eo o tla kgethwa lenaneng lefe kapa mokgethwa o tla sebetsa lekgotleng lefe la ketsamolao, ho ya ka moo a ratang ka teng, mme ho latela maemo ana , lebitso la mokgethwa le tla hlakolwa mananeng a mang.
(3) Khomishene e tla phatlalatsa ke hona mabitso a baemedi lekgotleng le etsang molao kapa makgotleng a ketsamolao;
'(b) moemedi o a thongwa jwalo ka moromuwa wa ka mehla Lekgotleng la Naha la Diporofense;'.
'19. Lenane la ditho tsa mokga tseo ho builweng ka tsona ntlheng ya 16 (1) di ka eketswa nakong e nngwe hang feela nakong ya dikgwedi tsa pele tse latelang mohla kgetho ya baemedi e seng e qetilwe, e le ho tlatsa dikgeo tsa nakwana: Ka ntle ha eba keketso eo e tla etswa qetellong ya lenane.'.
2 Kgetho ya ho tlatsa sekgeo e tla romelwa ho Motsamaisi wa dipuisano ka ho ngola.
(3) Ha eba mokga o emetsweng lekgotleng la ketsamolao o qhalana kapa o kgaotsa ho sebetsa mme ditho tseo di lesa ditulo tsa tsona ho ya ka ntlha ya 23A (1), ditulo tseo di tla abelwa mekga e meng ho ya ka diphetoho jwalo ka ha eka ditulo tseo di ne di lahluwe ho ya ka ntlha ya 7 kapa ya 14, ho ya ka moo ho ka etswang ka teng.'.
(2 Le ka ntle ho ntlha e nyenayane ya (1) mokga ofe kapa ofe o teng wa dipolotiki o ka fetola lebitso la ona nako e nngwe le e nngwe feela.
(3) Molao wa Palamente o ka, ho ya ka nako e seng kae kamora hoba Molaotheo o be teng, fetiswa ho ya ka karolo ya 76(1) ya Molaotheo o motjha ho fetola ntlha ena le ntlha ya 23 ho fana ka mokgwa oo ka ona setho sa lekgotla la ketsamolao eo a kgaotsang ho ba setho sa mokga o mo kgethileng, a boloke botho ba lekgotla la ketsamolao.
(b) mokga ofe kapa ofe o ikarole hore e be mekga e mengata.'.
Ho hlakolwa ha ntlha ya 24.
'Molaotheo o motjha' o hlalosa Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa,1996;'.
Ho hlakolwa ha ntlha ya 26.
(g) pele a ka tshwarela kapa a lokolla batlodi ba molao.'.
'(3) Dikarolwana tsa (1) le tsa (2) di ka sebediswa le ho Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso.'.
'(a) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a kgethilwe ke Mopresidente;'.
(b) ho se be le Letona le le leng leo e seng setho sa Seboka sa Naha mme le kgethilwe ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (13), ka ntle ha eba Mopresidente, a sebetsa ho ya ka therisano le Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso le baetapele ba mekga e teng, ba bona ho kgathwa ha Letona le jwalo ho hlokeha.
(2) Mokga ka mong o nang le ditulo tse 80 kapa ditulo tse ngata Sebokeng sa Naha o na le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
(3) Ha ho se mokga kapa ho na le mokga o le mong o nang le ditulo tse 80 kapa ho feta Sebokeng, mokga o nang le ditulo tse ngata ho feta le mokga o hlahellang ka bobedi e le o moholo ka ditulo ka bomong e na le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
(4) Ka ho kgethwa, Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka ikgethela ho sala kapa ho kgaotsa ho ba setho sa Seboka.
(5) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka nna a sebedisa matla a hae mme a phethise mesebetsi eo a e tshepetsweng ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ya ka Molaotheo kapa a kgetheilwe ke ho sebetsa ofising eo ke Mopresidente.
(b) ho fihlela motho ya kgethilweng ho ba Mopresidente ka mora kgetho efe kapa efe ya Seboka sa Naha e tshwerweng pele ho 30 Mmesa 1999, a qala ho sebetsa.
(7) Sekgeo ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso se ka tlatswa ke mokga oo Motlatsi wa Mopresidente a o kgethetsweng.
ya le ka palohare ya ditulo tse tshwerweng ke ona Sebokeng sa Naha ka ho tshwana le palo ya ditulo tse tshwerweng ke mekga e teng.
(a) Palo ya ditulo ho ya ka mosebetsi e laolwe ka ho arola palo yohle ka ditulo Sebokeng sa Naha se tshwerweng mmoho le mekga e sebetsang mmoho ka palo ya mesebetsi ho ya ka moo Matona a hlalositsweng ka teng karolwaneng ya (1) (a) a kgethilwe, le le le leng.
(b) Sephetho, ho sa natswe didesimale tsa boraro le tse latelang, ha eba di teng, ke palo ya ditulo ho ya ka mosebetsi.
(c) Palo ya mesebetsi e ka ajwang mokgeng o sebetsang mmoho o laolwaka ho arola palo yohle ya ditulo tse tshwerweng ke mokga Sebokeng sa Naha ka palo e hlalositsweng temaneng ya (b).
(d) Sephetho, ho ya ka temana ya (e), e bontsha palo ya mesebetsi e ka abelwang mokga oo.
(e) Moo tshebediso ya moralo ona o ka hodimo o ka tswalang keketso teng e sa nyamela ka lebaka la palo ya mesebetsi e abetsweng mokga, keketso e tla phehisana le dikeketso tse ding tse tshwanang le tsona tse tswang mokgeng o mong kapa mekgeng e meng, mme mosebetsi ofe kapa ofe kapa mesebetsi efe kapa efe e sa ajwang e belwe mokga kapa mekga e amehang ka tatelano ya keketso e hodimodimo.
(e) a tlatse, ha ho hlokeha, ho ya ka temana ya (b), sekgeo ofising ya Letona.
(c) ho sebediswa ha matla ao ho boletsweng ka ona serapeng sa (b), (d) (i) kapa (e) ya karolwana eo e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya Mopresidente ke yona e tla nkuwa.
ha eba ho laolwa ha mosebetsi ho a abelwa mme ho fapane ho ya ka karolwana ya (10)(c), Matona a amehang a kgaotse ho sebetsa empa a ka nna a kgethwa moo ho hlokehang teng, mme hore a tle a kgethwe hape mesebetsing e meng e ka ajwang ho ya ka mekga ya ona le ho ya ka ho laolwa ho fapaneng.
(b) ka mora ho hore a buisane le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebedisanang, ba kgaotse kgetho efe kapa efe ho ya ka temana ya (a) ha ho hlokeha lebaka la Molaotheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.
Dikopano tsa Khabinete di lokela hore di etellwe pele ke Mopresidente, kapa, ha eba Mopresidente a ka laela jwalo, di etellwe pele ke Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso: Ka ntle ha eba Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso e le badilasetulo ba Khabinete ka ho fapana ka ntle hape ha eba ho na le mabaka a tlamang a mmuso le maikutlo a fuperweng monahanong wa mmuso wa naha wa kopanelo.
Khabinete e sebetse ka tsela eo ho ka utlwanang ka yona ho ya ka maikutlo a fuperweng monahanong wa mmuso wa naha wa kopanelo le ho ba le mmuso o atlehileng.'.
(1) Mopresidente a ka nna a, ka mora ho hoba a buisane le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebedisanang Khabineteng, ba thehe mesebetsi ya batlatsi ba matona.
(2) Mokga o tlameha ho abelwa mosebetsi o le mong kapa e mengata ya motlatsi wa letona ka palohare e tshwanang le ho ya ka moralo oo mesbetsi ya Khabinete e abetsweng ka teng.
(3) Dipehelo tsa karolo ya 91(10) ho ya ho ya (12) di a sebetsa, mme tshebetsong eo ho hlaloswa karolong eo ho Letona kapa lefapaha le lokela ho balwa jwalo ka tlhaloso ho Motlatsi wa Letona kapa mosebetsi wa motlatsi wa letona, ka ho latelana.
(b) ho hlaloswa molaong ofe kapa ofe ho ya ka Letona leo o lokela ho amohelwa jwalo ka ha o kenyeletsa tlhaloso ho Motlatsi wa Letona mme a sebetsa ho ya ka dipehelo tsa kabelo ya temana ya (a) ho ya ka Letona leo Motlatsi wa Letona a sebetsang sebakeng sa hae.
(5) Ka mehla ha Motlatsi wa Mopresidente a le siyo kapa a hloleha ho phetha matla a hae kapa ho sebetsa ofising, Mopresidente a ka nna a kgetha Motlatsi e mong wa Mopresidente kapa motho e mong ho nka sebaka sa Motalatsi wa Mopresidente, e ka ba ka kakaretso kapa ka ho phetha kapa ka tshebetso efe kapa efe kapa mosebetsi.
(3) Matona a ikarabella ka bomong ho Mopresidente le ho Seboka sa Naha ho laoleng mafapha a bona, mme ditho tsohle tsa Khabinete ba ikarabella ka ho fapana mmoho mesebetsing ya bona ya mmuso wa naha le maano a ona.
(4) Matona a laole mafapha a ona ho ya ka leano le laolwang ke Khabinete.
(5) Ha eba Letona le hloleha ho laola lefapha ho ya ka leano la Khabinete, Mopresidente a ka batla hore Letona le amehang le sebetse ho ya ka leano.
(b) ha eba ke Letona le hlalositsweng karolong ya 91(1)(b), ka mora puisano le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang mmoho.'.
(1) Lekgotla la Phethahatso la porofense le na le Tonakgolo le ditho tse sa feteng tse 10 tse kgethilweng ke Tonakgolo ho ya ka karolo ena.
(2) Mokga o nang le ditulo tsa diphesente tse 10 lekgotleng la molao la porofense mme o nkile qeto ya ho sebetsa mmoho le mmuso wa setjhaba wa kopanelo, o na le tokelo ya ho abelwa lefapha le le leng kapa a mangata a Lekgotla la Phethahatso ho ya ka palohare ya ditulo tse tshwerweng ke yona lekgotleng la molao ka ho lekana le palo ya ditulo tse tshwerweng ke mekga e meng e sebetsang mmoho.
(c) Seboka sa Naha, se balwe e le tlhaloso ya lekgotla la molao la porofense.
(e) tlatsa, ha ho hlokeha, ho ya ka temana ya (b), sekgeo sa mosebetsi ofising ya setho sa Lekgotla la Phethahatso.
(c) phethwa ha matla ao ho halositsweng ka ona temaneng ya (b) kapa (e) ya karolwana eo e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto eo Mopresidente a e nkileng e amoheleha.
(6) Ha eba ho laolwa hofe kapa hofe hwa lefapha la kabelo e fapane ho ya ka karolwana ya (4) (c), ditho tse amhehang di lokela ho kgaotsa ho sebetsa empa di ka kgethwa, moo ho hlokehang, hore di ka kgethelwa mosebetsi hape ho ya ka mafapha a abetsweng mekga ya tsona e fapaneng ya ho fapana ha taolo.
(7) Dikopano tsa Lekgotla la Phethahatso di lokela etellwa pele ke Tonakgolo ya porofense.
(8) Lekgotla la Phethahatso le lokela ho sebetsa ka tsela e tlisang kutlwano ho ya ka maikutlo a monahano wa mmuso wa naha wa kopanelo, le ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.'.
(3) Ditho tsa Makgotla a Phethahatso a na le boikarabelo ka bomong ho Tonakgolo le lekgotla la ketsamolao taolong ya mafapha, mme ditho tsohle tsa Lekgotla la Phethahatso di na le boikarabelo ha mmoho ka ho tshebetso ya mmuso wa porofense le maano a ona.
(4) Ditho tsa Makgotla a Phethahatso a lokela ho laola mafapha a ona ho ya ka leano la Makgotla.
(5) Ha eba setho sa Lekgotla la Phethahatso le hloleha ho laola lefapha ho ya ka leano la Lekgotla, Tonakgolo a ka nna a batla hore setho se amehang se sebetse mmoho le leano leo.
(6) Ha eba setho se amehang se hloleha ho phethisa ditlhoko tsa Tonakgolo ho ya ka karolwana ya (5), Tonakgolo a ka tlosa setho mosebetsing ka mora puisano le setho, mme ha eba setho ha se setho sa mokga wa Tonakgolo kapa ha se moetapele wa mokga o sebetsang mmoho, le kamora puisano le moetapele wa mokga wa setho seo.'.
'(k) ho thehwa le ho boloka yuniti ya leano ya tlhophiso ya setjhaba hore e tle e sebediswe ho tshehetsa le ka kopo ya Khomishenara ya Porofense,'.
'(1) Ho ya ka karolo ya 218(1), Khomishenara ya Porofense o tla ba le boikarabelo ba ho-'.
'Ka ntle ha eba karolwana ena e tla sebediswa ho ditho dife kapa dife tsa sesole tse rometseng lenane la tsona la basebetsi ka mora ho thehwa ha temana ya molao wa motheo jwalo ka ha e nahannwe karolong ya 73 ya Molaotheo oo, ha eba mokga wa dipolotiki o ka tlsa taolo ya le tsamaiso o ikemetse kapa o tsamaelana le ona mme le maikemisetso a ona a ntshetswang pele o ile wa kenya letsoho Lekgotleng la Phethahatso la Phetoho kapa o ile wa kenya letsoho dikgethong tsa pele tsa Seboka sa Naha le makgotla a molao a porofense ho ya ka Molaotheo o hlalositsweng.'.
'(2) Lebotho la Tshireletso la Naha le tla phethisa matla a lona le mesebetsi ya lona mabapi le ditlhoko tsa setjhaba feela ho ya ka dintlha tsa Kgaolo ya 11 ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa, 1996.'.
'(1) tshebeletso ya setjhaba, lefapha la mmuso, taolo kapa tshebeletso ya tshireletso eo pele ho ho thehwa ha Molaotheo ka pele wa Riphaboliki ya Aforika Borwa, 1996 (o bitswang "Molaotheo o motjha"), o phethile mesebetsi ya mmuso, o sa sebetsa ho ya ka molao o entsweng o sebetsang ho ona ho fihlela o fedisitswe kapa o sebedisana kapa o kopantswe mokgatlong o nepahetseng kapa o arotswe kapa o matlafaditswe le mokgatlo ofe kapa ofe.'.
phethwa kapa ntshetsopele, kapa melemo e meng, kapa ho nehelwa ha ntlha e nngwe kapa lebaka la tshebetso kapa molemo o mong, o hlahileng mahareng a 27 Mmesa 1993 le 30 Mphalane 1994 ho ya ka motho e mong le e mong ya hlalositsweng karolwaneng ya (2) kapa sehlopha sefe kapa sefe sa batho ba jwalo.
loketse ho ya ka mabaka.'.
(c) ka ho tlosa 'Molaotheo ona', hohle moo o hlahellang teng karolong ya 236, ka 'Molaotheo o motjha'.
(ii) taolo e matla ya porofense e nngwe le e nngwe hore e sebetse le ditaba tse taolong ya mmuso wa porofense ka nngwe.'.
'(i) mekgatlo e hlalositsweng karolong ya 236(1), ho sa kenyeletswe mabotho a sesole, e tla sala le mmuso wa naha, a tla bontshang boikarabelo ka ho sebedisana le mebuso ya porofense;'.
'(4) Ho ya ka le ho latela molao ofe kapa ofe o sebediswang, maruo, ditokelo, mesebetsi le boikarabelo ba makala oohle ao ho hlalositsweng ka ona karolong ya 224(2) a tla itshetleha hodima Lebotho la Tshireletso la Naha ho ya ka ditataiso tsa Letona la Tshireletso.'.
Shejulu ya 6A e kentswe ke krl. 6 ya Molao 2 wa 2003.
Shejulung ena 'ketsamolao' e bolela Seboka sa Naha kapa ketsamolao ya porofense efe kapa efe.
2Poloko ya ditho tsa ketsamolao ha ho ka etsahala phetoho ya botho ba mokga.
(1) Ho latela temana 4, setho sa ketsamolao seo e bang setho sa mokga (o motjha) o mong ntle le o mo kgethileng jwaloka setho (mokga o mo kgethileng), ho sa kgathallehe hore na ebe mokga o motjha o nkile karolo dikgethong kapa tjhee, se tla dula e le setho sa ketsamolao oo ha setho seo, ka bo sona kapa mmoho le setho se seng kapa ditho tse ding tseo ka nako eo ho boletsweng ka yona temaneng ya 4 (1) (a) kapa (b), be kgaotsang ho ba ditho tsa mokga o ba kgethileng, ba emela palohare e seng ka tlase ho persente tse 10 ya ditulo tseo mokga o ba kgethileng o nang le tsona ketsamolaong eo.
(2) Setulo sa setho seo ho bolelwang ka sona temananyaneng ya (1) se nkuwa se abetswe mokga o motjha oo setho se o emetseng.
3Poloko ya ditho tsa ketsamolao kamora ho kopana ha mekga, ho arolwa ha mekga le ho arolwa ha mekga e kopaneng.
(b) arola mekgeng e fetang nngwe kapa arola le karolo efe kapa efe e ka kopana le mokga ofe kapa ofe, ho sa kgathallehe hore mokga o nkile karolo dikgethong kapa tjhee, ha ditho tsa karolo di tloha mokgeng wa tsona wa sethatho ba emela palohare e seng ka tlase ho persente tse 10 ya ditulo tseo mokga o ba kgethileng o nang le tsona ketsamolaong eo.
(2) ha mokga o kopana le mokga o mong kapa o arolwa ho feta mokga o le mong le karolo efe kappa efe e kopanang le mokga o mong ho ya ka dipehelo tsa temananyana (1), ditho tse amehang e dula e le ditho tsa ketsamolao oo mme ditulo tseo ba nang le tsona di nkuwa di abetswe mokga oo ba o emetseng ho latela kopano efe kapa efe, karolo kapa karolo le kopano e boletsweng temanyaneng ya (1).
4Nako ya kopo ya dintlha 2 le 3 le ditlhoko tse latelang.
(b) nakong ya matsatsi a 15 ho tloha letsatsing la pele ho ya ho la leshome le metso e mehlano la Loetse selemong sa bone se latelang letsatsi la dikgetho tsa ketsamolao.
(2) Bakeng sa temananyana (1) 'selemo' se bolela nako ya matsatsi a 365.
(ii) etsa ketso efe kapa efe e ka etsang hore setho se jwalo se ntshwe ofising ka ha setho se jwalo, ntle le tumello e ngotsweng ya setho se amehang.
(4) Mokga o sa ngodiswang ho latela molao ofe kapa ofe o teng wa ngodiso ya mekga ya dipolotiki o nkuwa e le mokga mabakeng a Shejulu ena, empa mokga o jwalo o lokela ho kopa ho ngodiswa jwaloka mokga ho latela molao o teng nakong eo ho boletsweng ka yona temanyaneng (1) kapa (b). Ha mokga o sa ngodiswa kgweding tse nne kamora hore nako e fete, o nkuwa o kgaoditse ho ba teng, mme ditulo tse mokga oo ho buuwang ka oona di lokela ho abelwa mekga e setseng ho latela molao o teng.
Sebopeho sa ketsamolao se dutseng se sa fetoheng ho fihlela dikgetho kapa kaho-botjha ho ya ka dipehelo tsa Shejulu.
(1) Kamora ho feta ha nako eo ho boletsweng ka yona temaneng 4 (1) (a) kapa (b), sebopeho sa ketsamolao e qadilweng botjha ka baka la boitshwaro bofe kapa bofe ho latela temana 2 kapa 3 di bolokwa ho fihlela dikgetho tse latelang tsa ketsamolao oo kapa ho fihlela sebopeho sa ketsamolao se qalwa botjha ho latela temana 2 kapa 3.
(2) Matsatsing a supileng kamora ho feta ha nako eo ho boletsweng ka yonatemaneng 4 (1) (a) kapa (b), mokga kang o emetsweng ketsamolaong jwalokaha ho boletswe temananyaneng (1) o lokela ho fana ka lenane la baemedi ba oona ho Mongodi wa ketsamolao.
(b) lebitso la setho ka seng le la mokga oo a o emetseng.
6Hlophiso ya phetoho tabeng ya Poloko ya ditho tsa ketsamolao kamora ho fetola botho ba mokga, ho kopana ha mekga, ho arolwa ha mekga le ho arolwa ha mekga e kopaneng.
arola mekgeng e fetang bonngwe kappa arola mme karolo e nngwe le e nngwe e ka kopana le mokga ofe kapa ofe, ho sa kgathallehe hore na ebe mokga oo o nkile karolo dikgethong kapa tjhee, ha ditho tse amehang di ntse di dutse e le ditho tsa ketsamolao e amehang mme ditulo tsa ditho tseo di nkuwa di abetswe mokga o motjha oo ba seng ba le ditho tsa oona ho latela kopano efe kapa efe, karolo kapa karolo le kopano e boletsweng seratswaneng sena.
(2) Dipehelo tsa temana 4 (3) le (4) le temana 5 di ntse di lokile bakeng sa temananyana ya (1), mme tsebiso efe kapa efe e mona nakong eo ho builweng ka yona temaneng 4 (1) (a) kapa (b) e lokela ho nkuwa e le tsebiso nakong eo ho builweng ka yona temanyaneng (1).
Shejulu ya 6B, eo e neng e le Shejulu ya 6A, e kentswe ke krl. 2 ya Molao 18 wa 2002 mme ya fuwa nomoro botjha ke krl. 6 ya Molao 2 wa 2003.
(1) Molekgotla ya sa emelang wate o lahlehelwa ke ho ba setho sa Lekgotla la Masepala haeba molekgotla eo, ntle le ho latela temana 2, 3, kapa 7, o lahlehelwa ke botho ba hae ba mokga o mo kgethileng jwaleka setho sa Lekgotla leo.
(b) o ne a sa kgethwa ke mokga ofe kappa ofe jwaloka nkgetheng wa dikgetho tsa wate mme e ba setho sa mokga.
ha molekgotla eo ho boletsweng ka yena diratswaneng tsa (a) le (b) (i), ekaba ka boyena kapa mmoho le e mong kapa balekgotla ba bang bao, nakong eo ho boletsweng ka yona temaneng ya 4 (1) (a) (i) kapa (ii) ba emisa ho ba ditho tsa mokga wa sethatho, ba emela dipersente tse seng ka tlase ho 10 tsa palo yohle ya ditulo tsa mokga wa sethatho Lekgotleng leo.
(2) Setulo sa molekgotla eo ho boletsweng ka yena temanyaneng (1) (a) se lokela ho nkuwa se abetswe mokga o motjha oo molekgotla eo e seng e le setho.
fumanwe ke molekgotla eo, haele hore molekgotla eo e se e le setho sa mokga o mong.
3Poloko ya ditho tsa Lekgotla kamora ho kopana ha mekga, ho arolwa ha mekga le ho arolwa ha mekga e kopaneng.
(b) arola mekgeng e fetang bonngwe kapa arola mme karolo e nngwe le e nngwe e ka kopana le mokga ofe kapa ofe, ho sa kgathallehe hore na ebe mokga oo o nkile karolo dikgethong kapa tjhee, ha ditho tsa karolo ba tlohela mokga wa sethathoba emela dipersente tse seng ka tlase ho 10 tsa palo yohle ya ditulo tsa mokga wa sethatho Lekgotleng leo.
(2) Ha mekga e kopana le mokga o mong kapa o arolwa ho feta mokga o le mong mme o kopana le mokga o mong ho latela dipehelo tsa temanyana (1), balekgotla ba amehang ba sala e le ditho tsa Lekgotla la Masepala oo mme ditulo tsa bona di nkuwa e le hore di abetswe mokga o motjha oo ba o emetseng ho latela kopano efe kapa efe, karolo kapa karolo le kopano jwalokaha e boletswe temanyaneng ya (1).
4Nako ya kopo ya dintlha 2 le 3 le ditlhoko tse latelang.
(ii) nakong ya matsatsi a 15 ho tloha letsatsing la pele ho ya ho la leshome le metso e mehlano la Loetse selemong sa bone se latelang letsatsi la dikgetho tsa Lekgotla la Masepala, empa e ke ke ya etsahala mafelong a selemo ka 31 Tshitwe 2002.
(b) Bakeng sa temananyana (1) 'selemo' se bolela nako ya matsatsi a 365.
(ii) etsa ketso efe kapa efe e ka etsang hore molekgotla ya jwalo a ntshwe ofising ka ha molekgotla ya jwalo Lekgotleng leo, ntle le tumello e ngotsweng ya molekgotlaya amehang.
5Sebopeho sa Lekgotla se dutseng se sa fetoheng ho fihlela dikgetho kapa dikgetho tsa tlatsetso, kapa kaho-botjha ho ya ka dipehelo tsa Shejulu.
(1) Kamora ho feta ha nako eo ho boletsweng ka yona temaneng 4 (1) (a), sebopeho sa Lekgotla la Masepala le qadilweng botjha ka baka la boitshwaro bofe kapa bofe ho latela temana 2 kapa 3 di bolokwa ho fihlela dikgetho tse latelang tsa Makgotla kaofela a Masepala kapa ho fihlela sebopeho sa Lekgotla la Masepala le qalwa botjha ho latela temana 2 kapa 3 kapa ho fihlela dikgetho tsa tlatsetso di tshwarwa Lekgotleng leo la Masepala.
(a) Lekgotla la Masepala le boletsweng temaneng ya 5 le thonyang ditho tsa Lekgotla le leng la Masepala, jwalokaha ho boletswe karolong ya 157 (1) (b), le lokela hore matsatsing a 15 kamora nako e boletsweng temaneng ya 4 (1) (a) (i) kapa (ii) e fele le kenye tshebetsong tsamaiso eo ho nehelanweng ka yona ketsamolaong ya naha bakeng sa ho thonya ditho tse jwalo ho emela Lekgotla le thonyang.
Sehlopha C sa masepala ya boletsweng temaneng 5 se lokela ho qalwa botjha ho latela molao o teng kamora dithonyo tsohle tse boletsweng seratswaneng (a) di se di entswe bitsong la Sehlopha C sa masepala oo.
7Hlophiso ya phetoho ya poloko ya ditho tsa Makgotla a Masepala ha ho fetolwa botho ba mokga, ho kopana ha mekga, ho arolwa ha mekga le ho arolwa ha mekga e kopaneng.
(2 Dipehelo tsa ditemana 4 (2), 5 le 6 di ba teng bitsong la temananyana (1), le tsebiso efe kapa efe e moo ka nako e boletsweng temaneng 4 (1) (a) (i) kapa (ii) e lokela ho nkuwa jwaloka tsebiso ya nako eo ho boletsweng ka yona temanyaneng (1).
Dikgeo tse hlahellang Lekgotleng la Masepala di lokela ho tlatswa ho latela ketsamolao ya naha.
Temana ya 9 e hlakotswe ke krl. 5 ya Molao 2 wa 2003.
<fn>DAC-NLS. Adv. ThomasProfile.2009-11-17.st.txt</fn>
Dilemong tse leshome le motso o le mong esale Leqwetha Nomsa Thomas a thongwa jwaloka hlooho Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba mane Kapa Botjhabela, o ntse a tshwere ka thata ho feta pele ho fetola maphelo a setjhaba hore a be betere.
Leqwetha lena la meriri e lohilweng manyetse, le hlahetseng le ho holela Queenstown, le bolela hore le ka thaba ho sebetsa ho feta kamoo mosebetsi o hlokang ka teng hore fela a mpe a thuse bao ba e hlokang. O kgothetse.
"Ke kgothala haholo ha ke atlehile ho fetola sefahIeho se hlonameng ka lebaka la ho hloka thuso le botsitso mme se fetoha se ba lebonyo la tshepo. Sena se mpha lebaka la hore ke ikemisetse letsatsi le hlahlamang ho thusa moahi ya tlwaelehileng seterateng," o rialo. "Ditjhaba tsa mahaeng tseo re di thusang di re bona re le bapholosi ba bona ba fanang ka ditshebeletso."
Ho tloha dilemong tsa botjha ba hae, Leqethwa Thomas esale a na le kgahleho e kgolo ho kenya letsoho mehopolong e metle ya ho haha setjhaba sa toka moo batho ba nang le menyetla ka ho lekana tikolohong e sireletsehileng, ho sa natswe mmala wa bona kapa bodumedi; moo batho ba phelang ka bolokolohi.
Hantlentle, ke diketso tse itseng tse tswileng tseleng tsa puso ya kgethollo tse mo kgothaleditseng ho kena lekaleng la molao.
O dumela hore Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba ke e nngwe ya mekgatlo o jereng boikarabelo bo boholo ho hlokomela hore puso e kenya letsoho la ona ho etsa bonnete ba hore demokerasi e sebetsa ka botebo le ka botsitso.
Le ha maikutlo a Leqwetha Thomas e le hore ntlha ya bohlokwa ya mawa a Ofisi ke ho kgothaletsa dikamano tse phethahetseng le boemedi bo bong pusong, o potlaka ho hlakisa hore Ofisi e tlamehile hore, le ha ho le jwalo, e se ke ya sebetsa ka leeme mme e ikemele.
"Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e lokela ho ba monamodi wa bohlokwa taolong ya setjhaba ya tla sebetsa ka matla ka ho etsa seo e se buang ho etsa hore demokerasi e fihlelwe ke moahi ofe kapa ofe," o rialo.
Le ha Leqwetha Thomas e le motho ya maphathephathe, ha a fumane nako ya ho dula fela, le ha ho le jwalo, ha a fumana nako ya ho phomola, o a bala le ho "lekola ditaba tsa lefatshe".
O na le kgahleho e tebileng ditabeng tsa phetoho setjhabeng sa habo mme o kentse letsoho ho theha sehlopha sa tshehetso ho batho ba phelang le HIV/AIDS, Vukume.
Tse ding tsa dintho tseo a intshang bodutu ka tsona ke ho bapala sekwashe, tenese, tjhese, rakebi mme o ipapalla le mora wa hae hape le ho ya boikwetlisong moo a shebanang le dikarolo tse fapaneng tsa mmele.
<fn>DAC-NLS. Bulletin.2009-03.st.txt</fn>
Efela ke mona, re se re qala kgwedi ya bobedi ya selemo. Re hopola hore e tla ba selemo sa thabo, bophelo bo botle le katleho ho ditho tsohle. Mmoho re ka leka ho fihlella tse ngata mosebetsing ona wa rona - mme re lebeletse mehopolo yohle mabapi ditshisinyo tsa lona ntlafatsong ya ditshebeletso tseo Institjhute e ka fanang ka tsona.
Hopola hore ditjhelete tsa selemo di tlameha di be di lefilwe mafelong a Tlhakubele. Ditlankane di ile tsa romelwa ka Tshitwe. Haeba o sa se fumana, ikopanye le ofisi ya SATI mabapi le khopi ya hao. Hopolang hore botho ba khoporeite bo fua diejensi le diofisi. Re a leboha ho ditho tse seng di lefile. Netefatsang hle hore le tsebisa mongodisi ka ditefo tsa hao.
Diphetho tsa morarao tsa ditefiso di se di pepesitswe Websaeteng ya SATI. Ditho di hopotswa hore ditefiso tsena ha tsa "semmuso" kapa tse "kgothaleditsweng". Ka molao ha re laele ditefiso. Seo re mpang re se etsa ke ho bokella tjhabisetso ka se lefiswang mme teke tjhabisetso ena. Re fela re kopa ditho tsa rona ba se ke ba re "SATI e kgothaleditse ditefiso tsena". Ditho le ba bang ba ka di sebedisa ho hlahloba ditefiso tsa bona, empa ba hlokomele hore ka mehla ho tla ba le basebetsi ba puo ba lefisang haholo kapa ka tlase ho ditefiso tsena.
Ho sa tswa re tjhabela haufinyana hore Mong PF (Flippie) du Toit o hlokahetse ka Tlhakola 2007. Mong du Toit e ne e le setho sa motheo se ntseng se phela sa SATI. Re ile ra ba le yena nakong ya mokete wa SATI wa dilemo tse 50 ka 2006, empa bophelo ba hae bo ne bo sa dumele hore a kene ka setotswana moketeng ona.
Ho ya mafelong a selemo se fetileng mongodisi o ile a hlopholla ditho tsa SATI ka dipuo tsa malapeng. Dipheto di ntle. Dithong tse 707 tse ngodisitsweng nakong eo, ba ka bang halofo (k.h.r. 311 kapa 44%) ke babui ba Seafrikanse e le puo ya lapeng. Sehlopha se latelang - babui ba Senyesemane - ba ka tlase ho halofo: 139 kapa 19%. Athe ditho tsa babui ba dipuo tsa lapeng tsa Seafrika di etsa 16% ya botho bohle (isiNdebele: 4; isiXhosa:38; isiZulu: 28; Sepedi 6; Sesotho: 11; Setswana: 21; isiSwati 1; Tshivenda 2; Xitsonga: 2), ba bang ke 20,3% ba aroleha tjena: Searabia: 6; Setjhaena: 2; Sedatjhe: 3; Sefora: 41; Sejeremane: 39; Setadiana: 8; Sepotoketsi: 22; Seromania: 4; Serashiya: 4; Sepanishe: 9; mme a le mong dipuong tse latelang Sekantonese, Segerike, Seheberu, Kiswahili, Sepolishe le Seshona.
Common Sense Advisory, Inc., Ke feme ya diphuputso le boeletsi ya US e tsebahaditseng ditjhebelopele ka mosebetsi wa puo, tshebeletso le theknoloji ka 2009. Feme ena e entse bolepi dintlheng tse hlano: Puo e kgubung jwalo ka setsi sa botemengata; Diphetolelo di a nolofala, empa batho ba qoba ho tjhona; Diphetolelo tsa motjhine di bolela hore dikoporasi di tjhabetswe ke le letjha ditshebedisong tsa puo; Google e makatsa ba bangata ka maqheka a yona a diphetolelo; Leano la puo le boitshireletso ba matjhaba bo tukisng tabatabelo tsa mebuso puong. Tjhabisetso e batsi ho: www.commonsenseadvisory.com.
Manane a National Language Service a mareo a a fumanahala Websaeteng ya Lefapha la Bonono le Setso, www.dac.gov.za . latela lehole leo leqepheng la sehlooho la DAC ho fihlela leqepheng la "National Language Service completed terminology". Manane a fumanahalang ke ana: ICT (dtemengata), Mmetse (ditemengata), Disaense tsa Tlhaho(Nguni, Sotho, le Afrkaans, Tshivenda le Xitsonga) mmoho le a Palamente (ditemengata).
Leingua et Machina e fihletse Similis Version 2.14.
leng diprokerama tsa phetolelo sebakeng sa bafetoledi ba profeshenale mabapi le theknoloji ya memori wa phetolelo e rekiswang e le kemanotshi (standalone) kapa sefepedi (serversa Windows) ka tshebediso ya difahleho tsa Senyesemane, Sefora, Sejeremane le Sepanishe. Etela www.lingua-et-machina.com.
SDL ke seabi sa ditharollo tsa botsamaisi tsa tjhabisetso lefatshe ka bophara, ba tsebahaditse SDL Trados 2007 Suite. e kopanya phetolelo ya boiketsi le tharollo ya memori wa phetolelo, e fana ka tikoloho ya phetolelo mabapi le sefahleho sa tshebediso ka lehokelo le bitswang SDL Passolo Essential. Tjhbisetso ka bongata: www.sdl.com.
Language Line Services, Inc.
Language Line BiMedical.net, e leng sesebediswa sa mohaleng se etsang diforomo tse temepedi le dipotsopotso ka dipuongata ho dumella kgokano e potlakileng le mokudi wa boiphihlelo bo tlase Senyesemaneng. Diforomo di hatiswa ka dipuo tsa mokudi le mohlokomedi (nese), mme diforomo tsena di raletswe tshireletso ya mokudi. Tjhabisetso e fetang ho: info@languageline.com kapa www.languageline.com.
Wordfast LLC, eo e leng seabi sa memori wa phetolelo (TM) ya diprokerama, e tsebahaditse Wordfast 6.0 - e bopetsweng diphetolelo tsa diejensi le bafetoledi ba boikemelo. Kgatiso e ntjha e kenyeletsa kemanotshi, tikoloho ya phetolelo e sa hlokeng seema, e nang le tlhophollo ya dihlotshwana e ntlafaditsweng, phetolelo le tlhwekiso, tshehetso ya fomete e ntlafaditsweng, le TM e ntlafaleditsweng tsamaiso. Tjhabisetso e fetang: www.wordfast.com.
Mokgatlo wa Translate, org.za o tsebahaditse Virtaal, e leng prokerama ya phetolelo tshebedisong ya dikerafike e bopeletsweng e le karolo ya Translate Project Feature e kenyeletsa tshehetso ya difomete tse ngata tsa tshwano, popopolelo le pepeso ya maikutlo le tikoloho, mmoho le sehlahlobanteterwane mabapi le phetolelo ya ngolo ya mantlha. Translate.org.za ke karolo ya African Network for Localisation (ANLoc), e qadileng ho ditikoloho tsa dipuo tsa Maafrika tse fetang 100. Tjhabisetso e fetang: http://o2.it46.se/afrigen/ kapa www.translate.org.za.
Dutch HLT Agency (TST-Centrale - Centrale voor Taal-en Spraaktechnologie) ke ejensi ya Dutch-Flemish mabapi le tsamaiso, tlhokomelo le kgaso ya mehlodi ya puo ya Sedatjhe ya dijitale. Mehlodi e mengata e fuwa tjhelete ke mmuso. HLT Agency e di fumantsha thuto, diphuputso le katlehiso. Sebakeng sa tjhabisetso, eya ho http://www.inl.nl/index.phpoption=com_content&task=view&id =448&Itemid=552&lang=en. Sehlahiswa se tswa phatlalatswa ke TST-Centrale ke Sofeer, e leng sehlahlobi sa nteterwane le dikshinare sebakeng sa phetolelo dipakeng tsa Seheberu/Seyiddishe le Sehollandere. Bala ho fetisisa Websaeteng ya bona?
Sebakeng sa letoto le hlwahlwa la didikshenare, eya ho http://www.lai.com/glossaries.html.
(Pherekgong 2009) jwale e a fumaneha.
Machine Translation, pokeletso ena ke tataiso e batsi ya tshupane ditlhophisong tsa phetoleloya motjhine mabaleng a kgwebo, disebedisweng tse tshehetsang phetolelo tse thuswang ke khomphyutha mmoho le barekisi. Tjhabisetso e batsi ho: http://www.eamt.org.
Transflex AB, ke ejensi yadiphetolelo, e tsebahaditse In Design for Translators - e leng e-buka e nang le ditaelo tsa tataiso tlhophisetsong ya difaele tsa phetolelo tsa InDesign. E ngotswe ke motsamaisi wa ejensi Chris Phillips, mme e-buka e entswe ke bafetoledi, diejensi tsa bafetoledi le baphatlalatsi ba didesktop. Tjhabisetso e fetang ho: http://www.tranflex.com.
Interpreting: International Journal of Research and Practice in Interpreting, e hlophisitsweng ke Miriam Shlesinger le Franz PÃ¶chhacker. Ke jenale e thusang diphuputso le dipuisano difahlehong tsohle tsa botoloko, mme dibopehong tsa yona tse fapaneng, mekgwa le dipehelo. Tjhabisetso e fetang: www.benjamins.com kapa subscriptions@benjamins.nl.
Telephone Interpreting: A Comprehensive Guide to the Profession e ngotsweng ke Nataly Kelly, e leng phatlalatso ya pele e kgolo sehloohong sena, buka ena e fana ka letlotlo la tjhabisetso sebakeng sa ditoloko, barutehi, kwetliso ya diprofeshenale le basebedisi ba ditshebeletos tsa botoloko ka ha diindasteri moo ditshebeletso tsa botoloko ka founo di sebetswang. Etela Websaete ya mophatlalatsi mabapi le tjhabisetso e fetang: www.trafford.com/08-1015.
Routledge Encyclopedia of Translation Studies Second Edition, e hlophisitsweng ke Mona Baker le Gabriela Saldanha: Saetlelophedia ena e setlwaeding mabapi le tshupane mabaleng ho tloa esale e phatlalatswa ka 1998. Ya bobedi, e leng kgatiso e hlophisitsweng botjha mme ya eketswa, e tlisa mehlodi ena nakong. Kakaretso (e kenya le teori ya phetolelo, dikatamelo mefuteng ya phetolelo le botoloko) le Nalane le Meetlo. Tjhabisetso e fetang: http://www.routledgelinguistics.
Theatre Translation Theory and Performance in Contemporary Japan: Native Voices, Foreign Bodies e ngotswe ke Beverley Curran (ISBN 978-1-1905763 -11-5). Phatlalatso ena e atolosa dipuisano phetolelong ya sethala ka ho kgetha diphuputso tsa dipapadi tsa Bophirima, tse fetoletsweng tsa ba tsa bapadiswa sethaleng ke Majapane ho tloha dilemong tsa bo-1960. e tjhatjhehisa tjhebo e ntjha ya mehopolo ta Bophirima ka ketsetsano ya e raraneng ya maleme le mebele phetolelong ya sethala ha ba tsamaya mme ba hlophisitse botjha maemo a meetlo e fapaneng. Tjhabisetso e fetang: http://www.stjerome.co.uk/page.php?
Multilingualism and Educational Interpreting: Innovation and Delivery e ngotswe ke Prof. Marlene Verhoef le Prof. Theo du Plessis. Phatlalatso ena ke kemedi ya mosebetsi wa pulamadiboho mabaleng a matjha a botoloko thutong haholoholo mabapi le ka moo e buuwang ka teng.
sesebediswa phethahatsong ya tikoloho ya ho rutwa le ho ithuta tlasa ditemengata tsa Afrika Borwa. Tjhabisetso e fetang ikopanye le Van Schaik Publishers mohaleng wa 012 342 2765 kapa lehokelong la wsenekal@vanschaiknet.com.
Stellenbosch University Language Centre: ba hlophisitse moralo wa diwekeshopo tsa selemo kaofela o fumanehang ho: www.sun.ac.za/taalsentrum/EVD.
Interaction between text and graphics: Ho tla tshwarwa seminare ya halofo ya letsatsi tlhophisong ya Stellenbosch University Language Centre, 20 Tlhakola 2009, tlasa tsamaiso ya Prof Leon de Stadler, e leng setsebi sa moralo wa tokomane. Seminara e kenyeletsa kutlwisio ya ngolo le metheho ya pono, dikamamno dipakeng tsa ngolo le dikerafiki le mosebetsi wa sebaka le ho ngola ka motjhine. Diforomo tsa tjhabisetso le boingodiso: www.sun.ac.za/taalsentrum/EVD. dipatlisiso tse fetang ho Audrey Poole taalsentrum@sun.ac.za kapa 021 808 2167. boingodiso bo kwallwa ka la 13 Tlhakola 2009. itlhahanele sebaka se lekane motinyane.
Writing for the Media I: General: Wekeshopo ya e tla tshwarwa Stellenbosch Univesity Language Centre, 5-6 Motsheanong 2009, sebakeng sa ba tshwanetseng ho ngolla diphatlalatso tsa media le ba hokahanyi le media kgafetsa. Diforomo tsa jhabisetso le boingodiso: www.sun.ac.za/taalsentrum/EVD. Hape dipotso di ka lebiswa ho: Audrey Poole taalsentrum@sun.ac.za kapa 021 808 2167. Boingodiso bo kwallwa: 23 Tlhakola 2009. Itlhahanele sebaka se lekane motinyane.
GALA Localisation Certification Programme: Mokete wa bone wa selemo le selemo wa Localisation Certification Programme le Localisation Project Management Certifi-cation o tla tshwarwa San Francisco, USA (23-27 Tlhakubele 2009) esitana le Cologne, Germany (11-15 Motshwanong 2009). Tjhabisetso e fetang ho: http://rce.csuchico.edu/localise/ kapa http://www.gala-global.org.
International colloquium: ThÃ©orie, pratique et didactique de la traduction spÃ©cialisÃ©e, Craiova, Rumania, 28-29 Motseanong 2009. O tla tshwarwa ka dipuo tsa Sefora le Seromania. Tjhabisetso e fetang: http://dtil.unilat.
Third Conference of the International Association for Translation and Intercultural Studies (IATIS), Monash University, Melbourne, Australia, 8-10 Phupu 2009. Tjhabisetso e fetang: http://www.foxevents.com.au/Current-Events/2009-Events/IATIS-Conference/Default.asp[4].
Editing in the 21st century: University of York, England, 14-15 Phato 2009. Tjhabisetso e fetang ho: www.sfep.org.uk/pub/confs/conf09/conf2009_advance.
The business of language.
Cancun, Mexico, 14-16 Phato 2009. Thabisetso e fetang: www.gala-global.
Sookmyung Women's University, Seoul, Korea, 30-31 Mphalane 2009. Sepheo sa khonferense ena ke ho thaphodisa ditlamorao tse tswalwang ke tswelopele ya tekhnoloji ya dikgokahano mmoho le dikgetshe kapa dintlafatso ho bafetoledi le bofetoledi ntlafatsong kapa tlontlollong ya moruo le ditjhaba. Itlhahanelle boingodiso, kwekwe ya morao e tloha le sepolo. http://www.kats.or.
Marion Boers. Mogala: 011 803-2681. Fekese: 0866 199 133. Imeili: publications@translators.org.za Irene Dippenaar. Mogala: 079 492 9359. Fekese: 086 511 4971. Imeili: registrar@translators.org.
<fn>DAC-NLS. BursaryAdvert.2009-03.st.txt</fn>
Lefapha la Thuto la Freistata ke monehelani wa mosebetsi ya nehelanang ka menyetla e lekanang, ya ikamahantseng le leano la nehelano ya menyetla ho batho ba neng ba tinngwe menyetla pejana, ke kahoo le nehelanang ka monyetla pele ho batho ba tlang ho akofisa boemedi kahara Lefapha, ho kenyelletswa le batho ba nang le boqhwala, kabong ya dibasari.
DIFOROMO TSA KOPO DI TLA FUMANEHA diofisng tsa Ditereke hammoho le diofising tsa Dibasari, seterateng sa St Andrew, Bloemfontein.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho tlisa diforomo tsa kopo ke 31 Phato 2007, ka 16h00.
Ke dikopo tse entsweng hodima diforomo tsa semmuso feela tse tlang ho amohelwa bakeng la selemo sa 2008. Ho se sebediswe tippex hodima foromo ya kopo, mme ha ho foromo ya kopo e rometsweng ka imeile kapa fekse e tlang ho amohelwa.
R40 000.00 selemo ka seng sa dithuto. Ditefello tse ding tse fetang R40 000.
e tla ba boikarabelo ba moithuti.
Bakopi ba atlehileng ba tla tsebiswa ka la 31 Mphalane 2007 ho ingodisa le ditsha tsa thuto tse ngodisitsweng semmuso, tsa kgetho ya bona, ho ithutela makala a tlang ho amana le bokgoni bo hlwailweng ao ba tla beng ba filwe dibasari tsa ona, mme ha ho diphetoho tse tlang ho etswa makaleng a thuto ao dibasari di a abetsweng.
Ho amohelwa jwaloka mosuwe wa profeshenale, o ka latela e nngwe ya ditsela tsena: 1. B. Ed degree (dilemo tse nne ka dinako tsohle), dithuto tsa sehlooho e le Grade R & Foundation phase, Intermediate phase kapa Further Education & Training phase 2.
Dithuto tsa sehlooho e be tse pedi ho fihlella selemong sa boraro jk.
Dithuto tsa sehlooho e le tse pedi ho fihlella selemong sa boraro j.
Hore o kgone ho etsa bolekodi ba tsa mahloko a kelello, ho etsa tataiso ya mesebetsi le ho nehelana ka tshehetso ho barutwana ba nang le mathata a ho ithuta.
Ho hlahloba baithuti ba hlokang, ba nang le letshoho le ba nang le mathata a ho ithuta.
Kgetha dithuto tse tlang ho dumella moithuti ho ba mosuwe wa Arts.
Hore o kgone ho aha dihlahiswa tsa multimedia kahara lenanethuto.
Hore bakopi ba se nang mangolo a sehlopha sa leshome a ba dumellang ho kena yunivesithi ho ingodisetsa lengolo la botitjhere.
Ho thutela ho ba motsamaisi o lokela ho ithutela digree /diploma ya dilemo tse 3 mme o kgethe ditguto tsa sehlooho ho tse lenaneng le ka tlase.
Kgetha dithuto tse tlang ho dumella moithuti ho kgona ho eletsa lefapha dintlheng tsa taolo ya dikotsi.
Hore bakopi ba se nang mangolo a sehlopha sa leshome a ba dumellang ho kena yunivesithi ho ingodisetsa lengolo le hlokehang la thuto.
<fn>DAC-NLS. EmployeeWellnessProgramme.2009-03.st.txt</fn>
Lenaneo la thuso ya bophelo bo botle ba basebetsi ke tshebeletso ya mahala, eo o sa hlokeng ho e lefella.
<fn>DAC-NLS.GEPF.2009-11-17.st.txt</fn>
Mohlolohadi wa mosebeletsi wa mehleng wa Letlole la Dikotsi tse Hlahileng Mosebetsing o fumane melemo e feletseng ya dipenshene tsa monna wa hae ya hlokahetseng kamora kgwedi fela hoba Mosireletsi wa Setjhaba, Lawrence Mushwana a namole.
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e kene letsholong la diphuphutso ka lebaka la menyenyetsi ya tiehiso e sa tshwanelang ha ho sebetsanwa le tefo ya melemo ya penshene ho hlaha Letloleng la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso hammoho le Letlole la Dikotsi tse Hlahileng Mosebetsing e loketseng ho fumanwa ke motletlebi, Mof. M. Du Toit.
Sena se etsahetse kamora hore taba ena e tsebiswe Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba hore Mof. Du Toit, eo le yena a neng a hiruwe ke Letlole la Dikotsi tse Hlahileng Mosebetsing, o ne a loketse ho fumana melemo e mo tshwanetseng dikgweding tse tharo kamora hore monna wa hae a hlokahale.
Ha ho eso lefuwe melemo le ha a rometse ditokomane tsohle tse hlokehang Letloleng la Dipenshene tsa Basebetsi ba Puso le Letlole la Dikotsi tse Hlahileng Mosebetsing jwaloka ha Melawana le Molao wa Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso e hlakisitse.
Melemo e mo tshwanetseng e ne e le penshene ho hlaha Letloleng la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso hammoho le tjhelete ya matsatsi a phomolo ho hlaha Lefapheng la Mesebetsi leo Letlole la Dikotsi tse Hlahileng Mosebetsing le welang tlasa lona.
Nakong ya diphuphutso, ho ile ha fumanwa hore tiehiso eo e bakilwe ke ntlha ya hore motho ya hlokahetseng o ne a sa ngodiswa jwaloka molefi wa lekgetho ho latela Molao wa Lekgetho la Lekeno wa 1962. Molao ona o hlakisa hore motho e mong le e mong ya fumanang lekeno leo ho hulwang lekgetho ho lona le ka hodimo ho R120 000 selemong ka seng sa dihlahlobo tsa tjhelete le ho lefa lekgetho la lekeno. Maemo le sekala sa moputso sa motho ya hlokahetseng di feta boemo bona.
Ka lebaka lena, ditaelo tsa lekgetho tse mabapi le melemo e fumanwang ha motho a hlokahetse di hanetswe nakong eo Letlole la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso di di romelang Tshebeletsong ya Pokello ya Lekgetho ya Aforikaborwa, le ha ho le jwalo, monyenyetsi ke hore motletlebi ha a ka a fumana mangolo kapa dikarabo dife kapa dife tse mo tsebisang ka diketsahalo ho hlaha Letloleng la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso.
Mabapi le melemo ya ditjhelete tsa matsatsi a phomolo, Lefapha la Mesebetsi le lona le ile la fumanwa le sa latela dipehelo tsa Tumellano ya 7 ya 2000 tsa Lekgotla la Dikgokahanyo tsa Ditherisano tsa Tshebeletso ya Setjhaba.
Tumellano e hlakisa hore ha motho a se a hlokahetse, ho tlamehile ho lefuwe motho ya kgethuweng ho fumana melemo ya tjhelete ya matsatsi a phomolo mme haebe ho ne ho se motho ya kgethuweng ho fumana molemo, e tlamehile ho lefuwa molekane kapa molekane eo mofu a neng a phedisana le yena.
Kamora hoba Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e namole tabeng ena, Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforikaborwa le ile la beha nako ya ho kopana le Mof. Du Toit. Nakong ya dihora tse 24, Mof. Du Toit hammoho le monna wa hae ya hlokahetseng ba be ba ngodisitswe jwaloka balefi ba lekgetho mme ho se ho rometswe dihlahlobo tse saletseng morao mme sena se butse tsela bakeng sa ho lefuwa melemo e mo tshwanetseng.
Melemo ya penshene e ile ya fumaneha; kamorao ho moo a hula tjhelete eo hammoho le tjhelete ya matsatsi a phomolo ya kengwa akhaontong ya lefa la mofu.
"Moo ditaelo tsa lekgetho di hanetsweng ke Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforikaborwa, Letlole la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso le tlamehile hore ba tshwanetsweng ke ho fumana molemo ba tsebiswa hanghang hore ba tle ba iteanye le Ofisi ya Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforikaborwa e le hore ho tle ho lokiswe mathata," ho rialo Leqwetha Mushwana ditshisinyong tsa hae.
O ile a tswela pele ho kopa Lefapha la Mesebetsi ho etsa bonnete ba hore dipehelo tsa Tumellano ya 7 tsa 2000 di a latelwa bakeng sa ho lefa ditjhelete tsa matsatsi a phomolo tsa mosebeletsi eo e seng e le mofu.
<fn>DAC-NLS. Lebowakgomo.2009-11-17.st.txt</fn>
Baahi ba Diyuniti tsa R le S tsa lekeishene la Lebowakgomo, Limpopo, ba bang ba bona esale ba emetse matlo a Lenaneo la Tlhabollo le Ntshetsopele esale ho tloha ka 1996, ba tla bona ntlha eo ya ho ema nako e telele bakeng sa bodulo e fihla pheletsong.
Sena se latela phuputso ka Ofisi ya Mohlokomedi wa Setjhaba ka ho hloleha ha Lefapha la Puso ya Selehae le Phano ya Matlo la Limpopo ho nka boikarabelo ba lona ba ho haha matlo a DiRDP bakeng sa setjhaba sena.
Taba ena e tlisitswe ke lekhanselara la selehae Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba, Mong. Frans Letwaba mme yena o ne a emetse baahi.
Batletlebi ba rometse kopo bakeng sa ditheolelo tsa matlo dilemong tsena tsa 1996 ho fihla ho 2006. Lefapha le ile la amohela dikopo tsa bona tlasa lenaneo la ditheolelo le bitswang Porojeke e Hokahantsweng ya Ditheolelo Project Linked Subsidy.
Porojeke e ne e fuwe khamphani e bitswang COMDEV, e hlolehileng ho haha matlo kapa ho fana ka disebediswa tsa ho haha. Ho ile ha sibollwa hore matlo a mang a hahuwe karolwana e itseng fela mme ba bang ba tshwanetsweng ke melemo ba fuwa halofo ya disebediswa tsa ho haha fela.
Monyenyetsi ke hore Lefapha le hlolehile ho haha matlo kapa ho fana ka disebediswa tsa ho haha ho batletlebi hore ba tle ba hahe matlo a bona.
Phuputso ya Ofisi ya Mohlokomedi wa Setjhaba e fumane hore dikopo tsa batletlebi bakeng sa ditheolelo tsa matlo di amohetswe ho tloha ka 1997 ho fihla ka 2006.
Batletlebi ba bang ba entse qeto ya ho ikahela matlo ka ditjhelete tsa bona empa ba bang ba qeteletse ho haha matlo a bona a sa qetellwang ka disebediswa tsa bona.
Mohlokomedi wa Setjhaba o sisinya hore Lefapha le tlamehile ho haha matlo bakeng sa bohle ba tshwanelwang ke melemo bao dikopo tsa bona di amohetsweng ka la kapa pele ho 2006.
Lefapha le tlamehile ho qetella ho haha matlo a nyahladitsweng mme le fe bohle ba entseng dikopo ebile ba tshwanetsweng ke melemo disebediswa tsa ho haha.
Ho sisintswe ho ya pele hore Lefapha le thuse batletlebi ba qadileng ho ikahela matlo a bona empa ba sa kgona ho a qetella; hape le boele le lefe batletlebi bohle ba ikahetseng matlo ntle le thuso ya Lefapha kamora hore ba amohelwe e le ba tshwanetsweng ke molemo oo.
<fn>DAC-NLS. MessageFromFreeStatePremier.2009-03.st.txt</fn>
Seboka se tla ka nako e nang le diphepetso kahara mokgatlo wa temo, nakong eo re sebetsa ka thata ho tlisa tekano le diphetoho kahara mokgatlo ona.
Temo ke o mong wa metheo eo morup wa provense ya rona e itshetlehileng ho yona. Ke kahoo ke dumelang hore mookotaba wa seboka sena "FS- TEMO, MOHATO WA BOKAMOSO" hore o tshwanetse. Ke ka hona ho bang bohlokwa hore bakgathatema ba fapaneng kahara mokgatlo ona ba sebetse mmoho ho netefatsa hore re tswela pele ho matlafatsa mokgatlo ona. Hore mokgatlo wa temo o atlehe, o lokela ho ba le tsebo e batsi le phihlello ya mebaraka ya lehae, ya naha le ya matjhaba. Ho boetse ho bohlokwa hore metheo e tstsitseng ya moruo wa temo e kenngwe tshebetsong diprojekeng tsohle tsa temo.
Jwaloka mmuso re ikemiseditse ho netefatsa hore maemo e ba a matle bakeng la phihlello ya tekatekano le ho ba le seabo mokgatlong wa temo. Re lokela ho tsebahatsa le ho tshehetsa beng ba mapolosi ba ntseng ba hola kahara mokgatlo, ka ho toboketsa bohlokwa ba matsapa a matlafatso moruong bakeng la batho ba neng ba tinngwe menyetla pejana.
Ke motlotlo haholo ke mosebetsi le mananeo a seng a kenntswe tshebetsong ke Lefapha la Temo la Freistata, haholo ka ho ba le seabo ho thusa le ho rupella benga ba mapolsi ba ntseng ba hola ho phatlalla le provense. Phepetso ya rona, leha ho le jwalo, ke ho netefatsa hore batho ba bangata ba ba le phihlello mananeong ana le horte ba una melemo ho ona.
Hre re tle re fedise kgethollo ya semorabe kahara mokgatlo wa temo le ho kenya tshebetsong matsapa a kenyelletsang Maafrika Borwa a Batho ba batsho dikgatong tsohle tsa diketsahalo tsa temo, le dikgwebo ho phatlalla le lethathama la boleng ba temo, re lokela ho netefatsa hore matsapa a Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong ho tsa Temo, e ba katleho. Ke kahoo re ipiletsang ho mokgatlo o ikopantseng wa temo ho ba balekane le mmuso ntlheng ena.
Ke motlotlo hore dipuisano tsa seboka sena di tla re thusa ho fihlella mohopolo wa mokgatlo wa temo o atlehileng o thehilweng hodima kopano, tshebedisano le tlhompho.
<fn>DAC-NLS. Motsoaledi.2009-11-17.st.txt</fn>
Setho sa Lekgotla le Phahameng sa mehleng sa Thuto, Limpopo , Ngk. Aaron Motsoaledi o fumanwe a se na molato wa boitshwaro bo hlephileng ke Mosireletsi wa Setjhaba, Lawrence Mushwana, kamora diphuphutso tsa menyenyetsi ya ho sebedisa matla a hae hampe le ho tlola tumellano.
Ho bile le monyenyetsi wa hore nakong eo e ntseng e le hlooho ya sepolotiki Lefapheng la Thuto la Porofense, Ngk. Motsoaledi o ile a fa bafepedi ba bang monyetla wa ho rekisa fenitjhara ya sekolo le diphaposi tsa dikolotshana; batho bana ba ile ba fumana konteraka ena hobane a ile a kopa hore e be bona ba fepelang Lefapha ka dithoto.
Motletlebi o ile a boela a ntsha monyenyetsi wa hore bafepedi bao e ne e le metswalle ya Ngk. Motsoaledi hape le hore o amohetse "mpho e turang" ya koloi ho hlaha ho e mong wa bona.
Ho latela dintlha tsa motletlebi, Lefapha le tlotse Molao wa Taolo ya Phepelo ya Dithoto ka ho mamela ditaelo tse ntshitsweng ke Ngk. Motsaoledi mme sena ke tlolo ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba.
Le ha diphuphutso di fumane hore menyenyetsi e mabapi le Setho sa Lekgotla le Phahameng hammoho le moifo o itseng ho hlaha Lefapheng la hae e hloka mooko, ho ile ha hlahella hape hore Lefapha le ne le hloka leano la dithekiso jwaloka ha Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba o hlakisitse.
"Ntlha ya hore Lefapha le hlolehe ho hlahisa le ho kenya tshebetsong leano la Taolo ya Phepelo ya Dithoto le phethahetseng ebile le sebetseng ka potlako jwaloka ha Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba o hlakisitse; sena ke taba e lokelang ho lekodisiswa ka leihlo le ntjhotjho," ho rialo Leqwetha Mushwana.
O ile a sisinya hore Lefapha le ikamahanye le Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba mme le bope le ho tsitlalela tsamaisong e tshwanetseng ebile e bontshang toka, tekano, ho sebeletsa pontsheng, moo ho nang le tlhodisano le ho boloka ditjeo.
<fn>DAC-NLS. Mphephu.2009-11-17.st.txt</fn>
Penshenara ya dilemo tse 86 ya Limpopo, eo thuso ya hae ya batsofe e ileng ya fanyehwa dilemong tse tharo tse fetileng hobane ho na le monyenyetsi wa hore o arolelana nomoro ya boitsebiso le motho e mong Foreisetata, o boetse o a bososela hobane o kgutlela setsing sa ditefo, diteboho di lebiswa Mohlokomeding wa Setjhaba ka ho namola.
Thuso ya kgwedi le kgwedi ya Mof. Nyasedza Sophia Mphephu wa motsana wa Thononda Venda e ile ya fanyehwa ke Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ya Aforikaborwa ka Mphalane 2005 ntle le hore a fuwe tlhalosetso efe kapa efe. O ile a tswela pele ho etela setsing sa ditefo bakeng sa dilemo tse isang ho tse tharo moo a neng a kgutlela hae a sa tshwara letho letsohong nako eo yohle.
Le ha ho le jwalo, maemo a fetohile ebile a betere haholo hobane Leqwetha Mushwana le ile la kena taba ena ho namola mme ke moo dithuso tsa penshene tsa Mof. Mphephu di buseditswe ho yena mme o boetse o a di fumana. O fumane tjhelete e saletseng morao ya dilemo tse tharo mme Mosireletsi wa Setjhaba o boetse a sisinya hape hore a lefuwe phaello tjheleteng eo e salletseng morao. Mof. Mphephu o boetse a fumana phepelo ya diphuthelwana tsa dijo nakong eo SASSA e neng e ntse e sebetsana le bothata ba hae.
Bothata ba hae bo rometswe Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba ka Motsheanong 2008 kamora hore koranta ya lebatowa ya Limpopo, Capricorn Voice, e phatlalatse pale ya hae. Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e ile ya tlola hanghang ho kenya letsholong diphuphutso tsa lona tabeng ena.
Diphuphutso di fumane hore boitshwaro ba SASSA bo ne bo sa nepahala ka ha ho ne ho se na lebaka le utlwahalang le etsang hore thuso eo ya molemo e fanyehwe. Ho boetswe ha fumanwa hore ha ho a ka ha etswa ntho e nngwe e ka thoko ho thusa motho ya tshwanetsweng ke molemo hammoho le lelapa la hae bakeng sa nako eo thuso e ntseng e fanyehilwe.
Ho latela dintlha tse fumanweng, Leqwetha Mushwana o ngoletse Mookamedi wa SASSA moo a sisinyang hore thuso ya penshene ya Mof. Mphephu e busetswe ho yena le hore a lefuwe tjhelete e saletseng morao ya dilemo tse tharo e na le phaello.
"Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Lebatowa wa SASSA, Limpopo, o tlamehile ho thonya sehlopha sa tshebetso, jwaloka ha ho hlokeha, ho fuputsa hanghang taba ya dithuso tse fanyehilweng ka lebaka la ho arolelana dinomoro tsa boitsebiso," ho rialo Leqwetha Mushwana.
O boetse a sisinya hore SASSA e fe batho ba lokelang ho fumana dithuso empa di fanyehilwe, diphuthelwana tsa dijo bakeng sa nako eo ho ntseng ho fuputswa e le hore ba tle ba be le seo ba phelang ka sona nakong eo boemedi bo rarollang bothata bo bakileng hore thuso e fanyehwe.
Leqwetha Mushwana o boetse a sisinya hore SASSA e lekole mokgwa wa ho phethela diphuphutso tsa yona nakong ya dikgwedi tse tharo kamora hore o fanyehwe dithuso.
<fn>DAC-NLS. NationalHospitalInfoPamphlet.2009-03.st.txt</fn>
Sepetlele sa Setereke sa National se tsitlallela ho nehelana ka ditshebeletso tsa sepetlele tsa Boemo ba Boleng ba 1 ho baahi ba Bloemfontein le ba Naledi hammoho le ditoropo tse mabapi, ho fihlella bophelo bo botle le boikemelo.
Netefatsa tsamaiso e phethahetseng ya Mehlodi ya Sepetlele.
Batho Pele le Botho, Kananelo ya boikarabelo, tshebedisano, tse fetileng le bokamoso bo tshwanang, Tshebetso ka sehlopha, Sehlahlo sa bokgabane, Tsepamiso ya maikutlo ho bakudi, ho fetoha ho kgema le maemo, Matlafatso, Boiqapelo, phetoho le tlhahiso.
Sepetlele sa Setereke sa Naha se nehelana ka tshebeletso tse felletseng tsa sepetlele sa setereke ho baahi ba Bloemfontein le Naledi (Wepener, Van Stadensrus, Dewetsdorp), hammoho le ho baahi ba ditoropo tse mabapi.
Mokudi ya sa robaletseng sepetlele R20.
Tlhokomelo ya motsheare R30.
Tlhokomelo ya motsheare R30.
Tshebeletso tsa opereishene R385.
Tshebeletso tsa opereishene R811.
Mokudi ya robaletsang sepetlele R30.
Mokudi ya robaletsang sepetlele R30.
Wepener, De Wetsdorp, Fauna, Chris De Wet, Langenhovenhovenpark, Thusong, Kagisanong, Freedom Square le Aandrus.
HLOKOMELA: Ditshebeletso tse latelang tsa sehlooho di fumaneha sebakeng sa Sepetlele sa Setereke sa National, empa ha se karolo ya Ditshebekletso tse felletseng tsa Sepetlele sa Setereke.
Sepetlele sa Setereke sa National ha se na dinako tse behilweng tsa ho eta. Malapa le metswalle ya bakudi ba rona ba dumelletswe ho etela baratuwa ba bona nako e nngwe le e nngwe diphaposing ka kakaretso kapa dikarolong tse itseng, kantle leha eba ho eta hoo ho ka sitisa tekolo ya diphaposing e etswang ke dingaka le baoki kapa basebeletsi ba bang ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, le dinakong tseo ho nang le bohlokwa ba ho kopa baeti ho sutha diphaposing tsa bakudi.
<fn>DAC-NLS. NewsInBrief.2009-11-17.st.txt</fn>
Mosadi eo e leng lepolesa la mehleng o buseditswe tjhelete ya hae e hutsweng letoleng la hae la penshene e le karolo ya ho lefa mokitlana wa lefapha. Mosireletsi wa Setjhaba, Lawrence Mushwana, o sisintse hore motletlebi a kgutlisetswe tjhelete ya hae e na le phaello mme e kopangwe ho tloha mohla e neng e hulwa ho fihlela mohlang e kgutliswang.
Sena se tlile kamora diphuputso tsa Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba tse fumaneng hore ha ho a latelwa ditsamaiso tse behilweng ke Letlole la Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso tse hlahelang Bukakgakollong ya Dipehelo bakeng sa ho hula mme ho lefuwe mokitlane wa lefapha ho latela karolo 21(3) ya Molao wa Dipenshene tsa Basebeletsi ba Puso, 1996.
Ho ile ha boelwa ha fumanwa hore qeto ya ho hula tjhelete mme ho lefuwe mokitlana wa lefapha ho hlaha melemong ya dipenshene tsa motletlebi ha e ikamahanye le dipehelo tsa Karolo ya 3 ya Molao wa Ntshetsopele Tsamaisong ya Toka, 2000 mme ka tsela e jwalo "dipehelo di hlokile toka".
Sepikara sa Seboka sa Naha se ile sa kopuwa ho nka mehato mabapi le Motlatsi wa Letona la Ditaba tsa ka Hara Naha, Malusi Gigaba, bakeng sa ho se ikamahanye le boikarabelo ba hae ba molao wa motheo wa ho sebedisana le Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba.
Sena se etsahetse kamora hore Mong. Gigaba a hlolehe ho sebedisana le phuputso ya Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba ka menyenyetsi ya hore o romeletse mosadi wa hae dipalesa tse rekuweng ka tjhelete ya puso le hore o lefeletse batho ba bang ba itseng ditekete tsa difofane le khiro ya makoloi mme sena se etsahetse ka makgetlo a mmalwa.
Ho latela diphuputso, Mosireletsi wa Setjhaba Lawrence Mushwana o ile a sisinya hore Sepikara se nke mehato e tshwanetseng ho etsa bonnete ba hore ho rarollwa boitshwaro ba Mong. Gigaba ba ho hloleha ho sebedisana le Ofisi.
Le ha diphuputso di fumane hore ofisi ya Gigaba e sebedisitse tjhelete hampe mapabi le dipalesa tse rometsweng mosadi wa hae ebile ka mokgwa o sa tshwanelang, tshebediso e sa beheng ditholwana ebile e bohlaswa, diphuputso tseo di hlahisitse hore menyenyetsi e mabapi le tshebediso ya ditjhelete tsa maeto ke ofisi ya Motlatsi wa Letona di hloka motheo.
Leqwetha Mushwana o boetse a tswela pele ho sisinya hore Molaodikakaretso wa Lefapha, Mavuso Msimang, a ntlafatse mekgwa ya ho laola ditjhelete ofising ya Mong.
Komiti ya Potefolio ya Palamente e ikarabellang ditabeng tsa matla e lokela ho lekola le ho tlaleha ka nako hammoho le ho kenya tshebetsong ditshisinyo tse entsweng ke Bolaodi ba Naha ba Motlakase Aforikaborwa ka ho phethahala ka Motsheanong 2008 kamora diphuputso tsa kgaello ya motlakase.
Ho bile le ditshisinyo tsa ho tla ka pheko kamora diphuputso tse qaduweng ke Bolaodi ka bobona mabapi le diketsahalo tsa kgaello ya motlakase le ho kgaoha ha motlakase ka lebaka la "phokotso ya motlakase" e etswang ke mofepedi wa mmuso, Eskom, Mosireletsi wa Setjhaba, Lawrence Mushwana o kopile Sepikara sa Seboka sa Naha hore a nke mehato mabapi le sena.
Karolo e kgolo ya Aforika Borwa e bile le kgaello ena ya motlakase le ho kgaoha ha motlakase ka lebaka la phokotso ya motlakase ho tloha ka Pudungwane 2007 ho fihla ka Pherekgong 2008.
"Dithuto le sephetho se entsweng ho latela diphuputso ke hore ho bile le tiehiso lehlakoreng la mmuso ho ntlafatsa bokgoni ba Eskom ba ho fehla motlakase ka nako mme ho ile ha kopuwa tshwarelo setjhabeng mabapi le ditshitiso tse bakuweng ke phokotso ya motlakase," ho rialo Leqwetha Mushwana.
O tlatseleditse ka hore Bolaodi ba Naha ba Motlakase Aforikaborwa, jwaloka e le bona bo ikarabellang le ho ba boemedi ba tshebetso le taolo bo hlahisitsweng Molaong wa Taolo ya Motlakase, 2006 ebile bo na le matla a ho etsa bonnete ba hore ditshisinyo tse entsweng raporotong ya yona le ho bona hore di a sebetsa le hore Eskom e ikamahanya le maemo a laesense ya yona hammoho le dipehelo tse tshwanetseng tsa Molao.
<fn>DAC-NLS.PPMessage.2009-11-17.st.txt</fn>
Ke ntlha e tsebisahalang ha jwale hore naha ya rona jwaloka ka tse ding lefatsheng ka bophara e mathateng a moruo o putlameng. Ho putlama ha moruo ha jwale ke lentswe le letjha mme le rona bohle re anngwe ke bothata bona.
Ka ha re ntse re tswela pele ho tjheswa ke mathata ana a moruo, re lokela ho itshireletsa ho tsa ditjhelete, ofisi ya ka e tswela pele ho sebetsana le ditletlebo tsa dithuso tsa ditjhelete tsa maqheku tse fanyehuweng. Batho ba fumanang molemo wa dithuso tsena tsa ditjhelete ke baahi ba baholo naheng mme ba welang sehlopheng sa batho ba hlophehileng ebile ba kotsing naheng ya rona mme ba futsanehile.
E nngwe ya dinyewe tsa thuso ya tjhelete e fanyehuweng ke ya Vho Mphephu wa Porofense wa Limpopo ya dilemo tse 86, eo thuso ya hae e fanyehuweng bakeng sa dilemo tse tharo ka monyenyetsi wa hore o arolelana nomoro ya boitsebiso le motho e mong wa Foreisetata.
Kamora hore ofisi ya ka e namole, dithuso tsa ditjhelete tsa dipenshene tsa Vho Mphephu di ile tsa kgutliswa mme a fumana tjhelete yohle e saletseng morao. Ka boela ka tswela pele ho sisinya hore Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforikaborwa, Limpopo, bo thonye sehlopha sa tshebetso ho fuputsa ntlha ena ya thuso e fanyehuweng eo monyenyetsi e leng hore ho arolelanwa dinomoro tsa boitsebiso ka ha bona ho bonahala e le bothata bo hlahellang kgafetsa. Ho kengwa tshebetsong ha ditshisinyo tsena ho tla behwa leihlo le ntjhotjho.
Le ha mmuso o ntse o atleha mabapi le ho fana ka matlo a theko e tlase bakeng sa mafutsana ka dilemong tse ngata tse fetileng, ho ntse ho na le diphephetso ntlheng eo. Maoba mona ofisi ya ka e fupuditse ditletlebo tsa baahi ba Diyuniti tsa R le S mane Lebowakgomo tse mabapi le Lefapha la Puso ya Selehae le Phano ya Matlo ka hobane le hlolehile ho haha le ho phethela matlo a diRDP bakeng sa setjhaba.
Ditshisinyo tse hlahang ofising ya ka ebile hore Lefapha le hahe le ho phethela matlo bakeng sa bohle ba tshwanetsweng ke molemo oo ka ha dikopo tsa bona di amohetswe semolao. Ho tlatseletsa moo, ho lokelwa ho sebediswe ditjhelete tsa ditheolelo tse tshwanetseng tsa jwale ho thusa batletlebi ka ha ditjeo tsa disebediswa tsa ho haha di ile tsa nyoloha dilemong tse fetileng.
Ho tlaleha botlokotsebe ho thusa ho etsa bonnete ba hore setjhaba se bolokehile, ke kahoo ofisi ya ka e fupuditseng tletlebo e tlisitsweng ke motho ya phahlollotseng makunutu mabapi le Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa moo se hlolehileng ho nka boikarabelo ba ho lefa moputso/mpho ya R75 000 ka ha tsebiso eo e ile ya thusa hore ho tshwarwe le ho qosa nyeweng ya ho tlatlapa. Kamora diphuphutso, ke ile ka sisinya hore Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa e lefe motletlebi moputso o feletseng jwaloka ha e tshepisitse hape le hore Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa e lefe meputso eo e tshepisaneng ka yona kamoso.
Ka kopo, hlahisa ditletlebo tsa hao, ofisi ya ka e fumaneha dibakeng tse fapaneng naheng mme re boetse re na le nomoro ya mahala eo o ka e sebedisang ho hlahisa tletlebo ya hao: 0800 11 20 40. Re lebeletse ho sebedisana le wena ho matlafatsa demokerasi ya molao wa motheo.
<fn>DAC-NLS. PostExposureProphylaxisPamphlet.2009-03.st.txt</fn>
Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong keng?
Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, ke dipilisi tse fuwang mahlatsipa a tlatlapo ka thobalano le peto, ho fokotsa kotsi ya ho tshwaetswa ke HIV. Kaha ho le thata ho tseba maemo a bahlasedi a HIV, mahlatsipa a alashwa jwalokaha eka bahlasedi ba na le tshwaetso ya HIV. Ka tsela ena, re ka netefatsa hore mehato yohle ya tshireletso e a nkwa ho fokotsa menyetla ya tshwaetso ya HIV ho ka fetela pele.
Hobaneng ho le bohlokwa ho etsa diteko tsa HIV kamora peto?
Ho etsa diteko tsa HIV ho bohlokwa hobane Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, ha e bohlokwa ebang motho a se a ntse a ena le tshwaetso ya HIV. Ebang o na le tshwetso ya HIV, basebeletsi ba tliliniki ba tla o fa tlhahisoleseding ya hore na o ka phela jwang le HIV. Boholo ba nako teko ya HIV e etswa pele Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, e qala. Ebang teko ya HIV e sa etswe hanghang, kalafo e lokela ho qala ho ntse ho le jwalo mme teko ya HIV e ka etswa hamorao.
Ho ka nowa meriana neng?
Meriana e ka nowa nakong ya dihora tse 72 kamora tlhaselo, empa ho ka ba bohlokwa ha e ka nowa ka potlako kamoo ho kgonahalang kateng. Meriana ha e no sebetsa hantle ebang e ka nowa kamora nako ena.
Meriana e lokela ho nkwa nako e kae?
Meriana e tlameha ho nkoa matsatsi a 28. Hona so thusa ho fokotsa kotsi ya tshwaetso ya HIV. Meriana e felletseng matsatsi a 28, e tlameha ho nowa hore e tle e sebetse.
O tla fuwa dipilisi ho thibela dintho tse kang Tswaetso ya Mafu a Thobalano le kemaro. Dipilisi tsa Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, leha ho le jwalo, ke tsona tse tlamehang ho tswela pele ho nowa matsatsi a 28. Dipilisi tsena tsa Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong di tlameha ho nowa habedi ka letsatsi. Boholo ba nako, tliliniki e ke ke ya o fa dilisi kaofela tsa matsatsi a 28, kahoo, o tlameha ho kgutla ho ya lata dipilisi tse setseng. Ho bohlokwa haholo ho kgutla ho tla nka dipilisi tse setseng tsa Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, ho qeta dipilisi nakong e behilweng. Basebeletsi ba tliliniki ba tla o fa letsatsi leo o ka tlang ho lata dipili tsa Kalafo e thibelang lefu ka mora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong ka lona. Ho bohlokwa ho nwa dipilisi mmoho le dijo, mme ho kgothaletswa hore o nwe dipilisi ka dinako tse tshwanang letsati ka leng. Mohlala, ka 7 hoseng ha o ja dijo tsa hoseng le ka 7 mantsiboya ha ditaba di qala.
Batho ba bangata ba sebedisa diselefounu ho ikgopotsa. Hona ho ka o thusa haholo.
Ditlamorao ke dife?
Boholo ba meriana bo na le ditlamorao. Pilisi ya Kalafo e thibelang lefu ka mora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, e matla mme e ka boela ya ba le ditlamorao. Ditlamorao tse tharo tse tlwaelehileng ke ho nyokgoloha, ho sehwa ke mala, le mokgathala. Tsena di etsahala habonolo bekeng ya bobedi. O tla fuwa meriana e lwantshang ho nyokgoloha bekeng ya pele.
Ho boetse ho kgothaletswa hore o nwe pilisi hammoho le dijo. Ebang ditlamorao di sa emise, kgutlela tliliniking mme o bolelle basebeletsi.
Hobaneng ho le bohlokwa ho nwa meriana hantle kamoo e laetsweng kateng?
Ho nwa meriana ka nako e nepahetseng mme o sa tlodise pilisi leha e le nngwe, ho bohlokwa ho netefatsa hore meriana e a sebetsa. Ho iketsetsa moralo wa tlwaelo bakeng la matsatsi a 28 ho bohlokwa. Re radile lenane la dinako kamora tokomane ena ho o thusa. Le behe sehatsetsing sa hao kapa ka phaposing ya ho hlapela. Re a elellwa hore ena ke nako e thata ya bophelo ba hao, ya ho sebetsana le tlatlapo ka motabo hammoho le ho nwa meriana ho thibela tshwaetso e ka nnang ya eba teng ya HIV. Ho botsa setho sa lelapa kapa motswalle ho o thusa nakong ena ho ka ba molemo haholo.
Nka etsang ebang ke lebala ho nwa meriana?
Ho bohlokwa ho nwa dipilisi kamehla matsatsing a 28. Le ka matsatsi a mafelo a beke le maemo a kang ho etela metswalle jj. Ebang o ka elellwa hore o tlodisitse ho nwa pilisi, e nwe hang ha o hopola, EMPA ebang o elellwa sena ha o nka pilisi e latelang, o se nke dipilisi tse pedi ka nako e le nngwe. Ebang o lebetse ho nwa dipilisi bakeng la matsatsi a mabedi kapa ho feta, bua le basebeletsi ba tliliniki ya heno.
Hobaneg ke lokela ho kgutlela sepetlele / tliliniking?
Ho bohlokwa hore o kgutlele tliliniking / sepetlele ho ya lata dipilisi tse setseng le ho hlwela maemo a hao a HIV. Nakong ya ketelo ena ba tla o fa dipilisi tse setseng tsa Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong, le ho hlahloba hore na o a kgona na. O lokela ho ba le teko e nngwe ya HIV dibekeng tse 6 (ketelo ya bobedi), kamora dikgwedi tse tharo le tse 6. Hona ho bohlokwa haholo ho tseba maemo a hao a HIV. Ebang o se na tshwaetso HIV ka dinako tsohle ha o etsa diteko, ho bolela hore ha o a ba le tshwaetso ya HIV nakong ya peto.
Peto ke ntho e nyarosang haholo. Ho bohlokwa ho bua le motho e mong ya ka o mamelang mme a o fa tshehetso kamora peto. Mohlabolli wa maikutlo a ka o thusa ho sebetsana le maikutlo a hao.
Mohlala wa bukana ya sehopotso ya dipilisi ke ona. Motho enwa o qadile ka Labobedi la 12 Pudungwane mme a tshwaya lena e le letsatsi la 1 mme a tlatsa bukana ya hae ya sehopotso. O boetse a nwa pilisi ya hae ya pele ya Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong hoseng mme ya bobedi ya letsatsi la pele e ne e le ka 7 mantsiboya. O tla tswela pele ho nwa dipilisi ka nako e tshwanang letsatsi ka leng bakeng la matsatsi a tlang a 28 ho fihlela 9 Tshitwe. Etsa se tshwanang ka bukana ya hao ya sehopotso ya dipilisi.
Ho bohlokwa hore o sebedise dikhondomo bakeng la dibeke tse tsheletseng.
Bukana ya hao ya sehopotso ya Kalafo e thibelang lefu kamora ketsahalo e ka lebisang tshwaetsong.
Tlatsa letsatsi la 1 letsatsing la pele leo o qalang ho nwa dipilisi ka lona. Tshwaya ka nako tsohle ha o nwa pilisi ho fihlela matsatsi a 28 a kalafo a fela. Boloka bukana ya hao ya sehopotso sebakeng se bolokehileng.
<fn>DAC-NLS. Propaganda.2009-11-17.st.txt</fn>
Menyenyetsi ya hore ditjhelete tsa setjhaba di sebedisitswe ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Gauteng, ho ntshetsapele ditaba tsa mokgatlo wa dipolotiki e hloka motheo, sena se hlakisitswe ke Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba.
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba o fupuditse taba ena moo Setho sa Palamente se tletlebileng ka taba e amang mokgatlo wa African National Congress (ANC) nakong eo Setho sa Lekgotla le Phahameng sa mehleng, Kgaogelo Lekgoro, se fanang ka puo ya bajete hore e ne e sa nepahala ebile e sa ikamahanye le molao. Ho phatlaladitswe puo e kgutsufaditsweng e le papatso koranteng.
Motletlebi o ipelaetsa ka hore papatso eo e sekametse ditabeng tsa mashano tsa dipolotiki tsa mokgatlo mme e lefeletswe ka ditjhelete tsa setjhaba.
Le ha ho le jwalo, diphuputso di fumane hore "ha se hore ke taba e sa tlwaelehang kapa e tswileng tseleng" hore Dihlooho tsa mafapha di hlahise maikutlo a tsona hodima dikatleho tsa mekgatlo ya dipolotiki eo di e emetseng nakong eo ba buang le diketsamolao ka dikgahleho tsa setjhaba.
"Lefapha le tlanngwe ke molao wa motheo ho tsebisa setjhaba ka mesebetsi ya lona le hore na ditjhelete tsa setjhaba tseo di le fuweng di sebedisitswe jwang," e hlalositse jwalo raporoto ya Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba kamora diphuputso.
"Tjhelete e sebedisitsweng ho phatlalatsa papatso eo koranteng ho tsebisa setjhaba ka dikahare tsa puo ya Setho sa Lekgotla le Phahameng, e ke ke ya bonwa e le tshebediso e seng molaong kapa e sa tshwanelang."
Mosireletsi wa Setjhaba o fumane hore sepheo sa ho sebedisa tjhelete eo mabapi le papatso eo e ne e se ho senya mme ha ho le jwalo ketso eo e ke ke ya nkuwa e le ho sebedisa tjhelete bohlaswa.
<fn>DAC-NLS.SAPSReward.2009-11-17.st.txt</fn>
Mosireletsi wa Setjhaba Lawrence Mushwana o kopile Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa hore e lefe motho ya phahlollotseng makunutu tjhelete e kana ka R75, 000 ya ileng a thusa sepolesa hammoho le Boemedi ba Botjhotjhisi Naheng ho rarolla nyewe ya botlatlapi jwaloka ha se tshepisitse.
Kamora ho sebetsana le diphuphutso tsa taba ena, Leqwetha Mushwana o kopile Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa ho emisa ho etsa ditshepiso tseo ba ke keng ba di phethahatsa ho batho ba phahlollang makunutu ka ha sena se senya lebitso la sepolesa. "Boitshwaro bona bo senya serithi sa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa," o rialo.
Motletlebi o ile a buisana le Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba ka 2007, dilemo tse tharo kamora hore nyewe e phethelwe moo ho hlahelletseng menyenyetsi ya hore Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa, Gauteng, le hlolehile ho mo lefa moputso.
Sepolesa se nyehela ka moputso ho motho ofe kapa ofe ya ka se thusang hammoho le Boemedi ba Botjhotjhisi Naheng ho tshwara babelaellwa le ho se thusa hore se sireletse qoso nyeweng e amanang le botlatlapi ba makoloi a tsamaisang ditjhelete, polao le ho leka ho bolaya. Motletlebi o boetse a hlahisa bopaki lekgotleng la dinyewe bakeng sa hona.
Ho hlahlela monyenyetsi wa hore Khulani Security e lefile Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa moputso oo le ha moputso oo o hlahisitswe ke sepolesa boemeding ba khamphani eo ya tshireletso.
Motletlebi o ile a behwa tlasa lenaneo la tshireletso ya dipaki. Nakong ya diphuphutso, Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e fumane kannete hore motletlebi o file Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa ditsebiso tse se thusitseng hore se tshware le ho qosa babelaellwa nyeweng ya botlatlapi.
Ho boetswe ha fumanwa hore kannete Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforikaborwa e hlolehile ho lefa moputso oo e o tshepisitseng motletlebi.
Leqwetha Mushwana o rometse raporoto ya dipatlisiso le tseo a di fumaneng hammoho le ditshisinyo Letoneng la Tshireletso le Polokeho (leo ha jwale le bitswang Sepolesa) le ho Letona Nathi Mthethwa le ho Khomishenara ya Sepolesa Gauteng Perumal Naidoo.
<fn>DAC-NLS. StatementOfTheFreeStateExecutiveCouncil.2009-03.st.txt</fn>
Lekgotla la Phethahatso la Mmuso wa Freistata le ile la kopana, kopanong y alon aya tlwaelo Bloemfontein.
Le etse hloko hore letsatsi la la 21 Tlhakubele le emela ho ketekwa ha Letsatsi la Ditokelo tsa Botho khalendareng ya Afrika Borwa.
Mokete wa provense o tla tshwarelwa Wqinburg mme o tla tshetlehelwa puo ke Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho, mme Tonakgolo e tla ba sebui sa sehlooho.
Lekgotla la Phethahatso le ananetse Lenaneo la ho kenngwa tshebetsong la 2007 le ho tiisa thomo ya ho fokotsa tlhokeho ya mosebetsi ka halofo le bofuma ho fihlela ka selemo saa 2014.
Ho sebetsana le bokgoni ba mmuso ho ntlafatsa pokello ya bokgoni ba naha.
Lelgotla la Phethahatso le ile la boela la ananela moralo wa ho kenngwa tshebetsong wa diprojeke tsa akofiso ya moruo jwalokaha ho ile ha tsebiswa Puong ya Boemo ba Provense. Ditekanyetso tsa 2007/8 hammoho le ditekanyetso tsa mafapha di ile tsa shejwa, mme Lelgotla la Phethahatso le motlotlo hore ditekantyetso di bontsha thomo ya rona ya ntshetsopele le maikemisetso a rona a ho beha ka sehloohong, ditshebeletso tsa setjhaba.
Kopano e ile ya ela hloko moralo o mawala wa HIV le AIDS wa dilemo tse hlano mme la itlama ho o tshehetsa. Ho phatlalatsa moralo ona provenseneg ka bophara, ho tla tshohlwa kopanong ya Lekgotla la Provense bakeng la AIDS o reretsweng kgweding ya Mmesa.
Kopano e ile ya ananela ho thakgolwa ha Lenaneo la Ditshebeletso tsa Batjha la Naha ke Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Ditsela le Dipalangwang. Lenaneo lena, le tlang ho tsejwa e le Lenaneo la Mabetlatsela LA Ditshebeletso tsa Batjha la Naha, le tla thakgolwa ka la 14 Mmesa mme ke batjha ba 500 ba tlang ho una molemo wa ho nehelana ka ditshebeletso le ho fumana thupelo ho tsa tshireletso, bolekodi ba sephethephethe, polokeho ditseleng le basebetsi ba ditsela.
Lekgotla la Phethahatso le dumetse ho tshwara beke ya Dikopano tsa baahi tse tlang ho etsahala ho tloha ka la 10 ho isa ho la 17 Mmesa 2007. Beke ya dikopano tsa setjhaba ke monyetla ho Matona, Tonakgolo, Batlatsi ba Matona, Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso le Makhanselara, ho ikopanya le baahi ba Freistata.
Boikitlaetsong ba ho aha bokgoni ba mmuso ho tobana le ditlhoko tsa ntshetsopele le thomo, Lekgotla la Phethahatso le ile la tjhaellla mopnwana Moralo o Mawala wa Ntshetsopele le Kgolo ya Freistata, hammoho le Moralo o Mawala wa Provense wa Mehlodi ya Batho le Ntshetsopele.
Lekgotla la Phethahatso le ananetse Leano la Ntshetsopele ya Dikontraka le shebaneng le dikgwebo tse nyenyane le dikontraka tse holang ho potlakisa ntshetsopele ya tsona le ho di beha boemong bo lokelang ke CIBD.
Setheo sa Freistata sa Tsebahatso ya Matsete le tla kgakolwa ka Labohlano la la 23 Mmesa 2007. Se tla nehelana ka maikemisetso a mawala a ntshetsopele ya moruo a Mmuso wa Provense.
<fn>DAC-NLS. TurnAroundAgreement.2009-03.st.txt</fn>
Mekgatlo ena e etsa Tumellano ena ya diphetoho nakong eo naha ya rona e tobaneng le nalane ya diphephetso tsa ho laola diphetoho Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha. Ke nako eo mekgatlo e tobaneng le diphephetso tse pedi tsa ho haha le ho fetola Lefapha la Ditaba tsa Ka Hara Naha ho le etsa Lefapha le letjha la Ditaba tsa ka Hara Naha ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso ka ho teba, ho ntlafatsa disebediswa, ho phethahatsa mosebetsi ka bokgabane mmoho le ho fana ka ditshebeletso tsa boleng mabapi le mesebetsi e etswang ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha, ntlha e nngwe hape ke ho eketsa khiro mesebetsing le ho ntlafatsa tshebetso, thupello le ntshetsopele ya mehlodi, boleng le tsitlallelo ya mesebetsi ya basebeletsi ba Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha, e leng ntlha ya bohlokwa haholo hore diphetoho di atlehe Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha.
Mekgatlo e ananela hore e arolelana sepheo se le seng sa ho thusa le ho ntshetsapele ka kakaretso ditabatabelo le ditlhoko tsa ntshetsopele ya Naha mmoho le Setjhaba sa Aforikaborwa. Mekgatlo e boela e ananela hore Molao wa Motheo o sireletsa ditokelo tsa batho bohle Rephaboliking hape le ho tiiseletsa boleng ba seriti sa botho bo sireleditsweng ke demokerasi, tekano le tokoloho. Molao wa Motheo o neha Puso mosebetsi wa ho hlompha, ho ntshetsapele mmoho le ho phethahatsa ditokelo tsohle jwaloka ha di sireleditswe Biling ya Ditokelo.
Ho latela tsena tsohle tse boletsweng, mekgatlo e ikemisetsa ho fana ka ditshebeletso tse phethahetseng setjhabeng le Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha, le ho netefatsa hore setjhaba le basebedise ba bang ba fumana ditshebeletso tseo ba di hlokang mabapi le mesebetsi e etswang ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha mmoho le taolo e phethahetseng ya Ditshebeletso tsa Setjhaba le tshebediso e phethahetseng ya disebediswa. Ho potlakisa phumantsho ya ditshebeletso ho latela metheo ya taolo ya ditshebeletso tsa setjhaba tse tsheheditsweng ke Molao wa Motheo le Leano la Batho Pele. Ho tlatseletsa, mekgatlo e ikemiseditse ho bopa setso sa ditshebeletso tsa setjhaba tse bontshang boahisane Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha le ikemiseditseng ho bontsha tsamaiso ya setjhaba e hlwekileng, ho ikamahanya le melao le melawana mmoho le khoutu ya boitshwaro le ho ntshetsapele mekgwa e phethahetseng ya ho qhelela ka thoko le ho thibela bobodu le tsamaiso e sa lokang.
Mekgatlo e kenang tumellanong ena ya diphetoho e ya itlama le ho ikemisetsa ho hlomphano ka mantswe le ka diketso mmoho le ho phedisana ka moya o motle ho latela lengolo lena la tumellano le tla busa sepheo, metheo le ditsamaiso bakeng sa taolo ya diphetoho ho haha Lefapha le Letjha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
"Dikgeo tsa mosebetsi sehlopheng sa A" tsena ke dikgeo tse boemong ba 9 ho fihla ho 12 sebopehong se setjha.
"Dikgeo tsa mosebetsi sehlopheng sa B" tsena ke dikgeo tsa mosebetsi tse boemong ba 8 le ho ya fatshe sebopehong se setjha, empa ha di kenyeletse dikgeo tsa mosebetsi tse welang sehlopheng sa A.
"Boqhetseke" ho bolelwa motswako wa tsebo, bokgoni, boitshwaro le matjato ao motho a a bontshang tikolohong ya mosebetsi mme a bontsha hore motho eo o na le bokgoni ba ho fihlela dipehelo tsa sekgeo sa mosebetsi oo o totobaditsweng.
"Molao wa motheo" ho bolelwa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Aforikaborwa, Molao wa No. 108 wa 1996, jwaloka ha o fetisitswe le ditlatsetso tsa wona.
"Molaodikakaretso" ("DG") ho bolelwa Molaodikakaretso wa Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le moifo wa hae.
"DHA" ho bolelwa Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
"Ramosebetsi" ho bolelwa Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
"GPSSBC" ho bolelwa Lekgotla la Ditherisano Lekaleng la Ditshebeletso tsa Setjhaba ka Kakaretso.
"HR" ho bolelwa bolaodi bo ka sehlohong ba Dithuso tsa Basebeletsi.
"LRA" ho bolelwa Molao wa Dikamano tsa Basebeletsi wa No. 66 wa 1995, jwaloka ha o fetisitswe le ditlatsetso.
"Phallo" ho bolelwa tsamaiso ya ho tlosa mosebeletsi sekgeong se itseng sa mosebetsi sebopehong sa mokgatlo sa kgale mme a behwa sebopehong se setjha sa mokgatlo.
"NEHAWU" ho bolelwa Mokgatlo wa Naha wa basebeletsi ba Kopaneng ba Thuto le Bophelo, mokgatlo o emelang basebeletsi o ngodisitsweng semolao.
"Ho thaota" ho bolelwa ho beha mosebeletsi ya ntseng a le teng sekgeong sa mosebetsi sebopehong se setjha.
"PSA" ho bolelwa Mokgatlo wa Basebeletsi ba Setjhaba, mokgatlo wa Basebeletsi o ngodisitsweng.
"Tumellano ya Diphetoho" kapa "Tumellano" ho bolelwa tumellano e kopanetsweng.
"TCF" ho bolelwa Foramo ya Diphetoho ka Kopanelo.
"Mosebeletsi ya sa behwang" kapa "ya lokelwang ho behwa" ho bolelwa mosebeletsi ya esong ho behwe sebopehong se setjha sa mokgatlo.
3.1 Mmuso wa Aforikaborwa o ikemiseditse ho matlafatsa batho ba wona ho tloha letsatsing la pele ho fihlela letsatsing la mafelo ka ho ba neha ditokomane tse nepahetseng le ho tshehetsa kgolo mmoho le ntshetsopele ka ho dumella batho ba nang le bokgoni, bahahlaodi le baboloki ba ditjhelete ho kenya letsoho ekonoming ya rona.
3.2 Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le fana ka mefuta e fapaneng ya ditshebeletso naheng ka bophara. Mohlala, le fana ka ditshebeletso tsa ho ngodisa bana ba sa tswa hlaha le ho fana ka dibukana tsa boitsebiso, hape lefapha le dumella batho ho fumana ditshebeletso tsa setjhaba tsa motheo. Le boela le fana ka ditokomane tse hlokwang ke baeti ba lakatsang ho etsa kgwebo naheng ena mme le bebofatsa motsamao wa batho ba nang le boitsebelo bo haellang ho kena naheng. Kgaello ya bokgoni bona e hlwauwe e le tshita e kgolo bakeng sa ho matlafatsa tlhahiso mmoho le kgolo ya ekonomi. Ka kakaretso, Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le phehisa haholo ntlheng ya phumantsho ya ditshebeletso tsa setjhaba mmoho le ho tshehetsa kgolo ya moruo naheng ena. Sena se bolela hore lefapha le tlamehile ho ba le matla a ho fana ka ditshebeletso tsena ka potlako hape ka ho phethahala, hape sepheo e le ho tshehetsa ASGISA le JIPSA.
3.3 Ka dintlha tsena tsohle mohopolong, mmuso o behile disebediswa tse ngata polokelong ho fetola Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ka hohlehohle ho Haha Lefapha le Letjha la Ditaba tsa ka Hara Naha e le ho netefatsa hore Lefapha le tle le fane ka ditshebeletso tse bontshang setswalle, tse hlokang bobodu ebile tse potlakileng ho basebedise bohle ho latela boleng ba Motheo le metheo e behilweng karolong ya 195 (1) ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Aforikaborwa.
3.4.3 ho ntlafatsa le ho ntshetsa pele tsebo le bohlale ba basebeletsi bohle ba lefapha, ho kenyeletswa ka ho toba balaodi.
3.5.2 netefatsa hore batho ba nang le boqhetseke bo nepahetseng kapa bokgoni ba ho iphumanela boitsebelo bo nepahetseng le boqhetseke e le hore ba tle ba behwe dibakeng tse nepahetseng.
ho netefatsa hore batho ba nang le boitsebelo bo nepahetseng kapa bokgoni ba fumantshwa tsebo e nepahetseng mme ba ntshetswe pele moo ba haellang mme sena se tla etsahala nakong e behilweng ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha ka tshebedisano le mosebeletsi le/kapa mokgatlo wa hae.
3.6.1 tsamaiso ya phallo ya basebeletsi ba hiruweng boemong ba 12 le ho ya fatshe ho tswa dikgeong tsa mesebetsi tsa sebopeho sa kgale sa mokgatlo ho ba isa dikgeong tsa mosebetsi tsa sebopeho se setjha sa mokgatlo e le hore ho tle ho fihlelwe sepheo sa Tsamaiso ho fetola maemo jwaloka ha ho hlakisitswe tumellanong.
3.6.2 mekgwa, ditsamaiso tse laolang sefutho sa tsamaiso ya Tumellano e fetolang maemo haholoholo hodima basebeletsi, ho kenyeletswa thupello le mananeo a ntshetsopele mmoho le polokeho ya mosebetsi le netefaletso ya polokeho ya moputso.
3.6.3 ho netefatsa hore ha ho na motho ya hiruweng ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha ya tla fokotswa mosebetsing ka lebaka la tsamaiso ena ya diphetoho.
4.1 Tumellano ena e sebetsa hodima basebeletsi ba hiruweng Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha boemong ba 12 le ho ya fatshe.
4.2.2 mekgatlo ya basebeletsi e saenneng Tumellano ena mmoho le basebeletsi ba welang sebakeng se ngodisitsweng sa tshebetso ya GPSSBC ba hiruweng boemong ba 12 le ho ya fatshe.
4.2.3 ho latela karolo 23 (1) (d) ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, basebeletsi ba bang bohle ba ramosebetsi bao e seng ditho tsa mokgatlo wa basebeletsi o ngodisitsweng empa ba phehisitseng tumellanong ena hape ba hiruweng Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha boemong ba 12 ho ya fatshe.
5.1 Mekgatlo e tlamehile ho ikamahanya le maemo a latelang a khoutu ka dinako tsohle ho latela tsamaiso ya tumellano ena ya diphetoho mmoho le ho kenya basebeletsi dikgeong.
5.2.1 Ho ikamahanya le metheo, ditataiso le ditsamaiso tse Tumellanong ena.
5.2.2 Ho arolelana tsebo yohle e theilweng hodima dintlha tse netefaditsweng empa e seng boiqapelo/mafetakatsela.
5.2.3 Ho tsitlallela ho fumana tumellano moo ho hlokehang hore ho etswe diqeto.
5.2.4 Ho itshwara ka mokgwa o behang ditabatabelo tsa Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha ka pele, basebeletsi ba lona mmoho le boikarabelo ba lona ba ho fana ka ditshebeletso.
5.2.5 Ho sebetsa ka tsela e bontshang tlhomphano le ka mokgwa o hlokolosi ha ba sebetsa le batho ba bang.
5.2.6 Ho latela Karolo 16 ya Molao wa Dikamano tsa Basebeletsi (LRA), ba se phahle makunutu.
5.2.7 Ba bontshe boikitlaetso, maikemisetso a ho kgothaletsa ho bopa Lefapha le letjha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
5.2.8 Ba fane ka tlhokomediso e sa le ka nako haebe ba hloleha ho tla kopanong kapa ba hloleha ho tlisa mosebetsi ka nako, empa ba tla iphapanya ho etsa jwalo ntle le ha ho na le mabaka a utlwahalang.
5.2.9 Ba bue esale ka nako ka kgonahalo tsohle tsa dikgahleho tse hohlanang mme ba tlohelle dikamano tse jwalo haebe di teng kapa moo ho ka nnang ha e ba le kgohlano ya dikgahleho.
Tsamaiso ya tumellano e fetolang maemo le phallo e lokelwa ho tataiswa ke, hara dintho tse ding, sepheo le metheo e latelang.
6.1 Ho netefatswe hore ha ho be le tshitiso mme ditshebeletso di taolong nakong eo ho rupellwang basebeletsi ka tumellano ena ya diphetoho maemo mmoho le ka phallo ena e tliswang ke dibopeho tse ntjha tsa mokgatlo.
6.2 Basebeletsi ba etse mosebetsi ka hohlehohle kamoo ba kgonang mme ho etswe ka hohlehohle hore ho ntshetswa pele bokgoni ba bona.
6.3 Ba itshware ka tsela e bontshang toka, ka ho tsitlallela katleho mme le ka tsela e bontshang mabaka.
6.4 Ho bontsha tsamaiso e nang le toka hape e pepeneneng e le hore ho fokotswe dinyewe le ditseko tse sa hlokeheng mme ho tiiseletswe basebeletsi kapele kamoo ho kgonehang.
6.5 Ho rerisana le basebeletsi nako e kgolo le e nyane ho rarolla tshabo ya bona le ho hloka botsitso mme hape ho kgothaletsa ho phehisa ka mokgwa o hahang tsamaisong.
6.6 Ho fana ka sefutho se seholo ntlheng ya ntshetsopele ya bokgoni Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha mmoho le ho ntshetsapele sepheo le maano a tekano mosebetsing, le ho a hokahanya moo ho hlokehang.
6.7 Ho beha ka pele le ho laola phallo ya basebeletsi ba seng ba ntse ba le teng ka mokgwa o bontshang toka le mabaka a utlwahalang moo ho kgonehang.
6.8 Ho tlisa tsamaiso moo Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le tla ba le matla a ho etsa qeto ya hore le beha motho ka mong hohle Lefapheng ka ho ikopanya le motho ka mong ya amehang kapa le mokgatlo wa hae o emelang basebeletsi mme tsena di tla etswa ho itshetlehilwe ka dipehelo tsa tshebetso ya Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
6.9 Mosebeletsi a ke ke a behwa boemong bo ka fatshe ho feta boo a neng a le ho bona.
6.10 Ho falla ho tla etswa ho latela dipehelo, maano le ditsamaiso tse ntseng di sebediswa tsa ho falla Ditshebeletsong tsa Setjhaba.
6.11 Phallo e tla kenngwa tshebetsong ho latela dipehelo tse teng le nalane ya bokgoni ba mosebeletsi hape ho ntse ho lekolwa ka matla metheo e sebediswang nakong ya ho nyalanya.
6.12 Ho fana ka moelelo motheong ya ntshetsopele le tshebedisanommoho Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha mmoho le ho arolelana tsebo ka ho, hara dintho tse ding, ikamahanya le ho itlwaetsa ho kgema le diphetoho ha bonolo nakong eo ho iswang basebeletsi dibakeng tse ding moo ho fumanwang ba na le bokgoni kapa moo ba ka kgonang ho ithuta ka nako e amohelehileng.
6.13 Ho toboketsa motheo e reng moifo o tshwereng maemong a nakwana kapa ba tshwaretseng ba bang nakwana ha o na ditokelo tsa ho fetola dikgeo tsa bona tsa nakwana hore e be mesebetsi ya dinako tsohle dikgeong tse hlahileng sebopehong se setjha.
6.14 Ho netefatsa hore ho fanwa ka disebediswa tse lekaneng e le hore Tumellano ena e tle e kenngwe tshebetsong ka potlako.
6.15 Ho netefatsa ntshetsopele ya phano ya ditshebeletso.
7.1 Basebeletsi bohle ba leng boemong ba 12 ho isa ho 9 sebopehong sa kgale ba tlamehile ho ngodiswa hlahlobo ya boitsebelo mme sena se etswe ka tshebedisano le mokgatlo o tsebisahalang ebile o ngodisitsweng semolao mme ba ka nna ba kopuwa ho itlhahisa inthaviung ya ho hlahloba boitsebelo.
7.2 Diphetho tsa hlahlobo ya boitsebelo di tla sebediswa jwaloka sesebediswa sa ho hlwaya ditlhoko tsa thupello le ntshetsopele ya basebeletsi.
7.3 Ntlheng ya ho etsa kopo ya mosebetsi bakeng sa dikgeo dife kapa dife kapa dikgeo tsa mosebetsi tse ntjha mabapi le dikgeo tsa mosebetsi sehlopheng sa A, ho hlokeha hore motho ya entseng kopo ya mosebetsi a iswe hlahlobong ya boitsebelo mokgatlong o tsebisahalang ebile o ngodisitsweng semolao mme motho ya etsang kopo o tlamehile ho itlhahisa inthaviung ya ho hlahloba boitsebelo.
8.1 Maemong ao dikahare tsa mosebetsi di fetohileng haholo, ke hore, 50% kapa ho feta, sekgeo seo sa mosebetsi se tla nkuwa e le sekgeo se setjha mme metheo e hlokehang bakeng sa sekgeo se setjha e tla kenngwa tshebetsong.
8.2 Maemong a tekolo ya mosebetsi e hlakisang boemo ba sekgeo sa mosebetsi ka tsela e fapaneng, ho tla nne ho sebediswe maano le ditsamaiso tse ntseng di le teng Ditshebeletsong tsa Setjhaba.
8.3 Motho ya keneng sekgeong seo se fetotsweng mme a se na ditshwanelo tsa ho kena sekgeong se setjha sa mosebetsi o tla behwa sekgeong se seng sa boemo bo lekanang Lefapheng.
8.4 Phallo ya basebeletsi bohle ho tloha sebopehong sa kgale ho ya sebopehong se setjha e tla netefatswa semolao ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
8.5 Maemong ao ho nang le dikgeo tse mmalwa sebopehong se setjha ha ho bapiswa le sebopeho sa kgale, ho tla sebediswa hlahlobo ya boitsebelo mmoho le mekgwa e meng ya tsamaiso e behilweng ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha mme sena se tla etswa ka tshebedisano le mekgatlo ya basebeletsi hape mekgwa eo e tla sebediswa ho kgetha le ho bea basebeletsi dikgeong. Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le tla buisana le mekgatlo ya basebeletsi Foramong ya Ditherisano tsa Diphetoho moo mekgwa ena e tla fetolang maemo a tshebetso a basebeletsi.
8.6 Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le na le matla a ho beha mosebeletsi sebakeng sefe kapa sefe Lefapheng ho latela dipehelo tsa lona tsa tshebetso kamora ho iteanya le motho ka mong ya amehang mmoho le mokgatlo wa hae wa basebeletsi. Haebe motho eo a hanana le ntlha ena kantle ho mabaka a sa utlwahaleng, ho tloha moo Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le tla nka mehato eo e nang le yona ho phekola maemo ao.
Ho latela dikgeo tsa mosebetsi tsa sehlopha sa B, ho tla sebediswa dipehelo tsa polelwana 6 ka hodimo ho leka ho boloka tekolo ya boitsebelo, e ke keng ya sebetsa maemong ana.
10.1.2 Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le tla netefatsa hore dipuisano di tla nne di tswele pele le basebeletsi ba tlilong ho behwa botjha phallong ena.
10.1.3 Ditebello, dingongoreho kapa dintlha tse ding tse amang basebeletsi ba behwang botjha di tlamehile ho laolwa ka mokgwa o bontshang toka mme dipuisano e be tsa ka dinako tsohle tse pepeneneng.
11.1 Ho tla thehwa phanele ya ho bea basebeletsi e tla netefatsa le ho hlokomela hore tsamaiso ya phallo e kengwa tshebetsong.
11.2.1 Molaodikakaretso o tla hira basebeletsi ba bahlano ba Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha, e mong wa bona e tla ba Modulasetulo wa Phanele eo e Beang. Ho tlatseletsa, Foramo ena ya Ditherisano tsa Diphetoho e tla thonya motlatsamodulasetulo.
11.3.1 Mokgatlo o mong le o mong o emelang basebeletsi o saenetseng Tumelano o tla kgetha balekodi ba babedi ba tla kena Phaneleng ena.
11.4.1 Ho lekola le ho etsa qeto dintlheng tsohle tse amanang le phallo ya basebeletsi ho tloha sebopehong sa kgale ho ya sebopehong se setjha.
11.4.2 Ho mema motho ofe kapa ofe ho tla dikopanong tsa Phanele kapa mohlomong ho thusa Phanele ho ntshetsa pele boikarabelo ba yona, mme ditjeo tse amanang le mesebetsi ena, di tla lefuwa ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha moo ho kgonehang.
11.4.3 Ho fetisa ditsebiso tsohle tse amanang le diqeto tse entsweng tsa phallo ke Phanele kapa ke Molaodikakaretso kapa moemedi/morumuwa ya filweng matla semolao ho sebetsana le basebeletsi ba amehang.
11.4.4 Ho hlahloba le ho fana ka pehelo ho Molaodikakaretso kapa moemedi/moromuwa ya filweng matla semolao ho sebetsana le dintlha dife kapa dife tse amanang le tsamaiso ya phallo.
11.4.5 Ho hlokomela le ho netefatsa hore tshebetso e hloka leeme mme ho tsitlallelwe tsamaiso ya phallo jwaloka ha ho hlakisitswe Tumellanong ena.
11.4.6 Ho netefatsa hore tsamaiso ya phallo e ya phethelwa mme e be e saenelwe.
11.5.1 Phanele e tla kopana ka nako eo ho dumellanweng ka yona hape ka dinako tse ding tseo Modulasetulo a bonang ho hlokeha ho kopana ka tsona.
11.5.2 Ho hlokeha palo e kana ka 50% ya Phanele mmoho le setho se le seng sa Phanele.
11.6.1 Modulasetulo wa Phanele o tla ikarabella ho bitsa dikopano tsa Phanele.
11.6.2 Kantle le ha ho dumellanwe ka mokgwa o itseng, ditsebiso tsa kopano e nngwe le e nngwe, tse tlamehileng ho kenyeletsa dintlha tsa sebaka moo kopano e tla tshwarelwa teng, nako, letsatsi mmoho le ditsebiso tse ding tse tshehetsang kapa ditokomane tse tshwanetseng, tsena di tlamehile ho romelwa ho setho se seng le seng sa Phanele le motho e mong le e mong ya hlokehang kapa ya nang le tokelo ya ho tla kopanong, di romelwe matsatsi a mabedi a mosebetsi pele ho letsatsi le kgethilweng la kopano.
11.7.1 Modulasetulo wa Phanele o tlamehile ho netefatsa hore metsotso, dikhopi tsa dipehelo tsohle le ditsebiso tse tshwanetseng tseo Phanele e itshetlehileng ho tsona ho fihlela diqeto tsa yona mmoho le dintlha tsohle tsa dipuisano le diqeto di tshwerwe hantle.
11.7.2.2 metsotso ya dikopano tsa Phanele di romelwa ho ditho tsohle matsatsing a mahlano a mosebetsi kamora kopano e nngwe le e nngwe ya Phanele, kantle le hore Phanele e dumellane ka mokgwa o mong o itseng.
11.7.3 Modulasetulo a ka nna a thonya mongodi wa metsotso.
11.8.1.1 Ho etsa mosebetsi wa ho ba setho ka tumello e ntle, ka botshepehi hape a sebetse ka makgethe hape ka thata.
11.8.1.2 Ho itshwara ka mokgwa o ntshetsang ditabatabelo tsa Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha pele mmoho le tsa basebeletsi ba lona.
11.8.1.3 Ho itshwara ho latela dipehelo tse fapaneng tsa molao, molao wa naha le dipehelo tse ding tse laolang boitshwaro bo botle ba bahlanka ba setjhaba.
11.8.1.4 Ho boloka makunutu a ditsebiso tse matsohong a bona le tseo ba fuweng monyetla wa ho di tseba jwaloka ditho tsa Phanele.
11.9.1.5 Ho itlhahisa kopanong e nngwe le e nngwe ya Phanele, ntle le ha setho se lokela ho ikgula kapa se itokolla kopanong kapa se sa kgone ho sebetsa ka lebaka la ho kula, ho lemala kapa ka mabaka a mang a utlwahalang ebile a ke keng a qojwa.
11.8.2.1 Ba tlamehile ho boloka makunutu a ditsebiso tse matsohong a bona le tseo ba fuweng monyetla wa ho di tseba jwaloka balekodi ba Phanele mmoho le makunutu a dikopano tsa Phanele.
11.8.2.2 Ha ba tlameha ho kenya letsoho mererong e sitisang dikopano le ditsamaiso tsa Phanele.
11.8.3.1 Ho pepesa dikgahleho dife kapa dife tsa bona kapa tsa poraevete tseo setho kapa molekodi kapa molekane wa hae, setho sa lelapa la hae, motswalle kapa molekane/mothusi wa hae kgwebong ba ka bang le yona hodima ntlha efe kapa efe e amanang le mosebeletsi eo ho ntseng ho lekolwa le ho buisanwa ka yena ke Phanele kapa mosebeletsi ya sisintseng ho falla.
11.8.3.2 Ho ikgula ditsamaisong tsa Phanele moo ho lekolwang taba eo setho kapa molekodi a nang kapa a ka bonwang a na le thahasello le kgahleho, ntle le hore Phanele e entse qeto ya hore kgahleho ya setho kapa molekodi ha e bohlokwa kapa ha e tshwenye ka letho.
11.8.4 Ha ho na setho sa Phanele se ka sebedisang maemo, menyetla kapa ditsebiso tsa makunutu tse matsohong a setho bakeng sa ho iphumanela melemo kapa ho fumanela motho ofe kapa ofe molemo ka mokgwa o sa lokang.
12.1.1 Mosebeletsi kapa mokgatlo o emetseng basebeletsi tumellanong ena, ba sa kgotsofatswang ke qeto efe kapa efe e mabapi le ho behwa ha mosebeletsi kapa ntlha efe kapa efe ya tsamaiso ka kakaretso, ba ka nna ba romela boipelaetso ba bona Phaneleng ho latela ditsamaiso tse boletsweng ka fatshe mona.
12.1.2 Boipelaetso bo tlamehile ho ngolwa fatshe mme bo bontshe dintlha tse lekaneng ho thusa le ho dumella Phanele ho etsa diqeto tse nepahetseng.
12.1.3 Boipelaetso bo lokelwa ho etswa nakong ya matsatsi a mahlano a mosebetsi hang kamora ho ba mosebeletsi ya sa kgotsofalang a fumane tsebiso e ngotsweng ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha mabapi le qeto e fihletsweng ya ho beha mosebeletsi eo sebakeng se seng.
13.1 Ha ho na dikgeo tsa mosebetsi tse tla bapatswa ho fihlela ho phethelwa tsamaiso ya ho nyalanya le ho bea batho.
13.2 Ntlheng eo ho behwang batho dikgeong tse hlokolosi, ho tla bapatswa ka hare mosebetsing le kantle setjhabeng ho ya kamoo Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha le batlang ka teng haholo moo dipehelo tsa boitsebelo ba sekgeo bo sa tsamaisaneng le ba mosebeletsi ya tlositsweng.
14.1 Mekgatlo e tla kopana sepheo e le ho bopa lenaneo la thupello le ntshetsopele le feletseng le tla hlwaya tsebo e phethahetseng, bokgoni le boitsebelo le boqhetseke ba basebeletsi ba Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
14.2.1 Thupello le Ntshetsopele ya Tsamaiso ho Balaodi ba boemong ba 9 ho fihla ho 12, tse tla hlophiswa ke Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha.
2.2 Thupello ya basebeletsi bohle ba boemong ba 8 le ho ya fatshe ka tlhokomelo ya bareki mmoho le ntshetsopele ya bohlokomedi maemong ana.
Mekgatlo e tla kopana ka sepheo sa ho bopa tsamaiso le leano la taolo ya tshebetso e le hore ho tle ho laolwe tshebetso ya basebeletsi ba Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha ba kentsweng sebopehong se setjha. Leano le tla tsamaisana le mokgwa wa ho laola tshebetso ya Ditshebeletso tsa Setjhaba.
Foramo ya Ditherisano tsa Diphetoho e tla fuwa mosebetsi wa ho shebana le dipuisano tsohle tse amanang le tumellano ena.
Tumellano ena e tla qala ho kena tshebetsong mohla letsatsi leo e saenetsweng ka lona mme e tla qetela ho sebetsa mohla letsatsi leo mekgatlo le dumellaneng ka lona.
18.1 Haebe tseko e ama ntlha ya phallo, mosebeletsi kapa mokgatlo o emetseng basebeletsi Tumellanong ena o tlamehile o fetisetse boipelaetso boo pele ho latela ditsamaiso tse tekilweng serapeng sa 10.
18.2 Haebe tseko eo ha e ya rarollwa ka mokgwa o kgotsofatsang, mosebeletsi kapa mokgatlo o emetseng basebeletsi Tumellanong ena, ba ka nna ba fetisetsa boipelaetso boo ho GPSSBC ba ntse ba ikamahantse le kutlwisiso le tshebetso ya Tumellano ena.
Haebe tsekisano eo e amana le ho behwa ha mosebeletsi mme ho be ho fumanwa hore tsekisano eo ha e wele tlasa tshebetso ya matla a semolao a sebetsanang le boitshwaro bo bontshang leeme, mekgatlo e dumellana hore e tla fetisetsa tseko eo monamoding/moahloding wa poraevete.
Mekgatlo e tla thonya Phanele ya banamodi/baahlodi ba tla etsa mosebetsi.
E saenetswe sebakeng sena mohla letsatsi la.
<fn>DAC-NLS. WarningSignsForCanceInChildren.2009-03.st.txt</fn>
S: Seek: Batla thuso ya meriana kapele ha ho na le dipontsho tse hlahang di sa fele mmeleng.
I: Eye: Letheba le lesweu ka leihlong, ho pelekana mahlo, bofofu, ho rotoleha ha thaka ya leihlo.
ho ruruha kapa ho tswa madi habonolo, tse sa tsebisahaleng.
A: Aching: Ho opa ha masapo, manonyolotso, mokokotlo le ho robeha habonolo.
fetseng ho hola.
<fn>DAC-NLS. YourRightsAsVictimOfCrime.2009-03.st.txt</fn>
Tokelo ya ho sebeletswa ka ntle ho leeme, ka tlhompho ya seriti le sephiri.
O ntse o hopola hore o na le tokela ya ho tletleba, o ka ikopanya le lefapha le amehang la mmuso kapa monehelani wa ditshebeletso ebang o na le ditletlebo mabapi le tshebeletso eo o e fumanang, kapa ebang ditokelo tsa hao di sa elwe hloko.
Khomeshene e Ikemetseng ya Ditletlebo.
<fn>DOL. Accord.2010-10-04.st.txt</fn>
ho fedisa diketsahalo le dikotsi tse hlahang dibakeng tseo re sebetsang ho tsona.
ILO Convention 155 le ILO Convention 176.
le polokeho mosebetsing.
Botle le Polokeho Mosebetsing<fn>DOL. ConstructionHealthAndSafety.2010-11-30.st.
â— tsebisa Lefapha la Mesebetsi ka mosebetsi wa hao wa kaho jwalo ka ha ho hlokeha ka ho ya ka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing?
â— fana ka nako e lekaneng ya ho rera, ho hlophisa le ho laola mosebetsi wa hao?
â— bona se etsahalang hantlentle e be o nka mohato mabapi le diketsahalo tse kotsi?
â— na le Mokgwa wa Taolo ya Bophelo bo Botle le Polokeho o kenyelletsang baemedi ba tsa bophelo bo botle le polokeho le komiti ya bophelo bo botle le polokeho?
â— o na le motho eo o yang ho yena ha o hloka dikeletso ka tsa bophelo bo botle le polokeho?
â— a tlaleha ha setho sa setjhaba se ka bolawa kapa sa kengwa sepetlele ka baka la kotsi e amanang le ketsahalo ya setsheng sa hao.
â— ba rupellwa mme hape ba na le bokgoni ba ho etsa mosebetsi ka polokeho ntle le ho beha maphelo a bona kotsing kapa maphelo a ba bang?
â— ba lebelwa ka nepo mme ba fuwa ditaelo tse hlakileng?
â— ba na le dithulosi tse nepahetseng, disebediswa, polante le diaparo tse sireletsang?
â— o buisana le bona le baemedi ba bona ka ditaba tsa bophelo bo botle le polokeho?
â— nako le nako o lekola tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho ya batho bao o rerang ho ba sebedisa?
â— o ba neha lesedi le mabapi le tsa bophelo bo botle le polokeho leo ba le hlokang bakeng sa mosebetsi?
â— o buisana ka mosebetsi le bona pele ba qala?
â— o etsa bonnete ba hore o fane ka hohle hoo le dumellaneng ka hona (mohlala, dikafole tse bolokehileng, polante e nepahetseng, phihlelo ya dibaka jj.)?
â— o lekola tshebetso ya bona nako le nako mme o lokise moo ho haellang?
â— Na bohle ba kgona ho kena dibakeng tsa bona tsa ho sebetsa ka polokeho - mme ba sebetse moo ka polokeho?
â— Na ditsela tsa ho kena di maemong a matle hape di na le matshwao a hlakileng?
â— Na dibaka tse ka mafelong tseo batho ba ka welang ho tsona, di na le disireletsi tse lekaneng kapa disebediswa tse tshwanetseng tsa ho sireletsa?
â— Na mekoti e sireleditswe ka dikwahelo tse tshwauweng ka ho hlaka ho thibela hore batho ba se wele ka hare?
â— Na setsha se hlwekile mme methiriele e beuwe ka polokeho?
â— Na kganya e lekane?
â— Na ho na le matlwana mme a bolokwa a hlwekile hape a kgantshitswe hantle?
â— Na ho na le di-washbasin, metsi a mathang ka dipeipe, sesepa le dithaole tsa pampiri?
â— Ina ho na le sebaka sa ho tjhentjhela ho sona, ho omisa le ho boloka diaparo?
â— Na ho fanwa ka metsi a ho nwa?
â— Na dikafole di emiswa, di fetolwe kapa di ntshwe ke batho ba nang le tsebo ya hoo?
â— Na ho na le dithibela tse sebetsang hantle kapa ditsebiso tse lemosang sebakeng bakeng sa ho thibela batho ho sebedisa sekafole se sa phethahalang, mohlala moo dipolatefomo tsa ho sebeletsa di sa palamiswang ka botlalo?
â— Na dikafole di hlokomelwa ka nepo?
â— Na ho na le motho ya nang le tsebo kapa bona bokgoni ba ho hlahloba sekafole kgafetsa, mohlala, hang ka beke, le ka mehla ka mora hoba se fetolwe, se senyehe le ka mora dipula le ha ho na le meya e mebe haholo?
â— Na diphetho tsa dihlahlobo di ngolwa fatshe?
â— Na ho na le mekgwatshebetso ya tshohanyetso, mohlala, bakeng sa ho tswa setsheng ha ho tjha?
â— Na batho ba leng setsheng ba tseba mekgwatshebetso ya moo?
â— Na ho na le mekgwa ya ho letsa alamo, le teng o lekolwa hakae?
â— Na ho na le tsela ya ho iteanya le ba ditshebeletso tsa tshohanyetso setsheng?
â— Na ho na le ditsela tse lekaneng tsa ho tswa mme tsona di bolokwa di se na letho le sitisang ho tsona?
â— Na ho fanwa ka thuso ya pele e lekaneng?
â— Na o se o hlwaile dintho tsohle tse kotsi, tse jwalo ka asebestose, loto, dihlapholli, dipente, samente le lerole?
â— Na basebetsi ba na le lesedi le thupelo mme ba tseba hore ke dikotsi dife tse tliswang ke dintho tse kotsi tse sebediswang hape tse hlahiswang setsheng, le hore ba lokela ho etsang kapa ho apara eng ho qoba kapa ho fokotsa dikotsi tseo?
ho kenyelletsa le metjhini?
ho sebedisa methiriele e seng kotsi haholo?
ho sebedisa dithulosi tse kentsweng disebediswa tse hulang lerole?
â— Na basebetsi ba le lesedi le thupelo ya hore ba tsebe hore ke dikotsi dife tse tliswang ke lerata setsheng, le hore ba hloka eng bakeng sa ho qoba dikotsi tseo?
â— Na o hlwaile le ho lekola hore basebetsi ha ba sireletseha lerateng?
â— Na lerata le ka fokotswa ka ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho sebetsa kapa ka ho kgetha polante e kgutsitseng, mohlala, di-fitting breakers le polante tse ding kapa metjhini e nang le di-silencer?
â— Na ho fanwe ka disebediswa tse tshwanetseng tsa tshireletso ya ho utlwa mme tsona di kengwa dibakeng tse lerata?
â— Na ho fanwe ka ditshebeletso tse ding tsohle tse hlokehang setsheng pele mosebetsi o ka qala mme hape le wena o hlwaile ditshebeletso tse ding tse leng teng setsheng (mohlala, dikheibole tsa motlakase kapa di-main tsa gase) mme o nkile le mehato e molemo, ha ho hlokeha, ya ho thibela kotsi ho tswa ho tsona?
â— Na dithulosi le disebediswa di hlahlobilwe ke basebedisi, tsa hlahlojwa setsheng mme tsa hlahlojwa kgafetsa ha ba ha etswa diteko ka tsona ke motho ya nang le bokgoni ba hoo?
â— Moo ho nang le mehala e tsamaya hodimo, na phepelo ya motlakase e tinngwe, kapa ho nkuwe mehato ya tlhokomelo, jwalo ka ho fana ka di-goal post kapa dintho tse tshwayang tse kentsweng theipi?
â— Na ho na le Setifikeiti sa ho Latela Melawana ya Tshebetso setsheng bakeng sa ho kengwa disebediswa tse ntjha?
â— Na mosebetsi o sireletswa ka fense hore setjhaba se kene moo?
â— Na dibaka tseo ho sebetswang ho tsona di kwetswe hantle hape di kgantshitswe?
â— Na setjhaba se sireleditswe kgahlanong le dintho tse wang?
ho di potoloha?
tsela e sa dumellwang?
na dintho tse tukang hape tse kotsi di notlellwa dibakeng tse bolokehileng?
Kalafo ya lengole le lemetseng.
Bothata: Sekafole sena se ne se sa hokelwa leboteng mme le polatefomo e sa tiyang e ile ya beha maphelo a basebetsi kotsing.
Na ho fanwe ka disebediswa tse tshwanetseng tsa tshireletso ya ho utlwa mme di kengwa dibakeng tse lerata?
Mabokose a taolo ya motlakase ka mehla a lokelwa ho kwalwa mme a notlelwe ka nepo.
<fn>DOL. ConstructionVersion2.2010-10-04.st.txt</fn>
hlokeha ka ho ya ka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing?
fana ka nako e lekaneng ya ho rera, ho hlophisa le ho laola mosebetsi wa hao?
ya setsheng sa hao.
Kalafo ya lengole le lemetseng.
le ho beha maphelo a bona kotsing kapa maphelo a ba bang?
ba lebelwa ka nepo mme ba fuwa ditaelo tse hlakileng?
rerang ho ba sebedisa?
bakeng sa mosebetsi?
o buisana ka mosebetsi le bona pele ba qala?
dikafole tse bolokehileng, polante e nepahetseng, phihlelo ya dibaka jj.?
o lekola tshebetso ya bona nako le nako mme o lokise moo ho haellang?
mme ba sebetse moo ka polokeho?
Na ditsela tsa ho kena di maemong a matle hape di na le matshwao a hlakileng?
tse lekaneng kapa disebediswa tse tshwanetseng tsa ho sireletsa?
hore batho ba se wele ka hare?
Na setsha se hlwekile mme methiriele e beuwe ka polokeho?
Na kganya e lekane?
Na ho na le matlwana mme a bolokwa a hlwekile hape a kgantshitswe hantle?
Ina ho na le sebaka sa ho tjhentjhela ho sona, ho omisa le ho boloka diaparo?
Na ho fanwa ka metsi a ho nwa?
tsebo ya hoo?
palamiswang ka botlalo?
Na dikafole di hlokomelwa ka nepo?
le ha ho na le meya e mebe haholo?
setsheng ha ho tjha?
Na batho ba leng setsheng ba tseba mekgwatshebetso ya moo?
Na ho na le mekgwa ya ho letsa alamo, le teng o lekolwa hakae?
Na ho na le tsela ya ho iteanya le ba ditshebeletso tsa tshohanyetso setsheng?
letho le sitisang ho tsona?
Na ho fanwa ka thuso ya pele e lekaneng?
dihlapholli, dipente, samente le lerole?
ho kenyelletsa le metjhini?
ho sebedisa methiriele e seng kotsi haholo?
ho sebedisa dithulosi tse kentsweng disebediswa tse hulang lerole?
Na o hlwaile le ho lekola hore basebetsi ha ba sireletseha lerateng?
dibakeng tse lerata?
nkile le mehato e molemo, ha ho hlokeha, ya ho thibela kotsi ho tswa ho tsona?
bokgoni ba hoo?
Na mosebetsi o sireletswa ka fense hore setjhaba se kene moo?
Na setjhaba se sireleditswe kgahlanong le dintho tse wang?
ho di potoloha?
tsela e sa dumellwang?
na dintho tse tukang hape tse kotsi di notlellwa dibakeng tse bolokehileng?
mme a notlelwe ka nepo.
Department of Labour. Website: www.labour.gov.za<fn>DOL. OhsAccord.2010-11-30.st.
ho fedisa diketsahalo le dikotsi tse hlahang dibakeng tseo re sebetsang ho tsona.
ILO Convention 155 le ILO Convention 176.
ho bopa moralo wa setheo o tla sebetsa hantle haholo mabapi le tsa bophelo bo bottle le polokeho mosebetsing.
<fn>DOL. OhsAgriAndForestry.2010-12-07.st.txt</fn>
Dikotsi, ho lemala le ho kula di ka baka tshenyo maphelong le kgwebong. Ditharollo hangata di bonolo hape ha di je tjhelete e ngata, mme batho bao e leng bona ba loketseng hantle ho etsa dipolasi di bolokehe ke balemirui le basebetsi ba bona ba mapolasing. Bophelo bo botle le polokeho ke e nngwe ya ditlhoko tsa motheo bakeng sa kgwebo e ka bang le tswelopele polasing. Maiteko a mmuso o le mong a ke ke a etsa mokga wa temo o bolokehe hape o be le bophelo bo botle, empa ho mahetleng a bohle ba leng temong le ho karolong e batsi ya dijo hore ba be le seabo.
Selemo le selemo batho ba bolawa ke mesebetsi ya temong le merung.
Ba bangata ba lemetse hampe mme ba kula dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona.
â— Ditjeo tsa tsamaiso - ho batlisisa ka ketsahalo, ho lokisa, jj.
â— Ditjeo tsa inshorense, ditjeo tsa molao le phatlalatso e batsi.
Ditjeo tsena tsohle di ka qojwa, mme hoo ho eketse diprofiti. Ka hoo sepheo sa bukana ena ke ho o neha tlhahisoleseding e tla thusa boramesebetsi le basebetsi temong le merung hore ho ntshetswe pele bophelo bo botle le polokeho le ho shebana le dikotsi tsa bophelo bo botle tse amanang le mosebetsi wa mokgeng ona. Bukana ena ha e shebe ditlhoko tsa molao indastering. Tlhahisoleseding eo e ka fumanwa webosaeteng ya Lefapha la Mesebetsi ho: www.labour.gov.za.
Ho laola bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ho tshwana le ho mekgwa ya taolo e etsang bonnete ba hore dimela le diphoofolo di bolokwa di phetse hantle, di ba le tlhahiso e hodimo mme di etsa hore o kgone ho tswela pele kgwebong.
Mekgatlo yohle e hloka leano hore e tle e hlophise moralo wa yona wa mehato e tlilo nkuwa mabapi le bophelo bo botle le polokeho, ka sepheo sa ho fihlela maemo a amohelehileng sebakeng sa ho sebetsa. Hona ho lokela ho ngolwa fatshe, ho lokiswe hantle boemong ba botsamaisi bo phahameng.
â— Ho bolela maikemisetso a hao ka kakaretso mabapi le bophelo bo botle le polokeho bakeng sa basebetsi ba hao.
â— Ho lekola botjha le nako le nako mme le boeletswe ha mokgatlo wa hao o fetoha kapa ho hlaha dikotsi tse ntjha.
Ho hlwaya dikotsi le ho lekola menyetla e ka bang kotsi eo di e bakang ho bohlokwa. Ntle le hore o tsebe hore ke dikotsi dife tse leng teng, le bonamo ba kotsi boo di bo tlisang, o ke ke wa tseba hore na di batla ho laolwa kapa o ka ho etsa jwang hoo.
Tekolo ya kotsi ke ho sheba ka hloko se ka bakang kotsi batho kgwebong ya hao, e le hore o tle e kgone ho bona hore na o nkile di temoso tse lekaneng kapa o lokela ho sebetsa le ho feta moo. Hang ho ba o etse qeto ka boemo ba kotsi, o lokela ho kenya mehato e hlokehang ya thibelo le tshireletso.
Sheba sebakeng sa ho sebetsa mme o bone ka moo batho ba sebetsang ka teng. Hape lekola direkoto tsa diketsahalo tsa nakong e fetileng, dikotsi kapa mathata a bophelo. Sepheo ke ho bona dikotsi tse kgolo tse ka bakang ho lemala ho hobe haholo kapa tsa ama batho ba itseng.
Hlwaya batho ba ka tswang kotsi, le teng e ka ba bakae. Ha o nahana ka "jwang", o se ke wa lebala dintho tse jwalo ka mosebetsi wa tlhokomelo, moo ho ka hlahang dikotsi tse ntjha.
Lekola ka moo dikotsi tse ka tswang bothateng ka bong di ka laolwang hantle ka teng.
Ditaolo di ka nna tsa ba tse lekaneng ka ho tshwanetseng kapa ho ka na ha ba le monyetla wa ntlafatso ya dintho. Basebetsi hangata ba na le mehopolo e molemo, ka ho ya ka mosebetsi oo ba o etsang letsatsi le letsatsi mme o lokela ho ba kenyelletsa ha ho etswa diqeto mabapi le ditaolo tsa hao.
Ka mora ho ba o etse qeto ya hore ke eng e lokelwang ho etsuwa, o lokela ho rera hore hoo ho tla etsuwa jwang le teng neng. Ho ngola fatshe diphumano tsa hao ho ka ho thusa ho etsa hona.
O tla tshwanela ho lekola hlahlobo ya hao ha ho bile le phetoho e kgolo ho tsela eo o sebetsang ka yona kapa ha o na le lebaka le etsang hore o nahane hore hoo ha ho sa sebetsa.
â— Ho se sireletsehe maemong a lehodimo, lerata kapa ho thothomela.
Ho tshwara merwalo e boima kapa ho sebetsa maemong a se nang botsitso ho ka baka mathata masapong a mokokotlo le a sebopeho sa mmele. Hona ho kenyelletsa mahlaba le bohloko matsohong le maotong, manonyeletsong kapa mokokotlong ka baka la ho huleha ha mesifa.
Na wena o lokela ho etsang?
â— Ho tsamaiswa ha dimela kapa dipeo ka matsoho ho ya dibakeng tse hole ho lokelwa ho qojwa ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang ho sireletsa maphelo a basebetsi.
Dikotsi tse mpe haholo mapolasing di kenyelletsa metjhini. Tse ding di etsahala hobane motjhini o sebedisitswe bakeng sa mosebetsi oo o sa o tshwanelang; tse ding ka baka la hore ha ho a ka ha ba le mokgwa wa ho lebela kapa o tlohelletswe feela. Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa ho lekola sesebediswa seo sa mosebetsi, ho kenyelletswa le metjhini, hore na e bolokehile hore e ka sebediswa. Ha sesebediswa se sebediswa tlasa maemo a sa kgahliseng, sona se lokelwa ho hlahlojwa kgafetsa ho bona tshenyeho e ka bakang kotsi, mme moo ho nang le maemo a ikgethang a ka etsang hore ho se bolokehe ho sebedisa sesebediswa seo ka polokeho.
Na ke eng eo o lokelang ho e etsa?
â— Dithulosi tse sebedisitsweng bakeng sa ho lema difate di lokelwa ho ralwa bakeng sa morero oo.
â— Hlooho ya thulosi ya ho seha le ho arola e lokelwa ho lokiswa ka nepo e tiiswe ho mofeng ka sesebediswa se sebetsang hantle haholo, mohlala, wedge, rivet kapa bolt.
Ha o reka kapa o hira metjhini molao o laela hore mofepedi o lokela ho fana ka ditataiso tsa polokeho tse hlokehang.
â— Basebetsi ba rupellwa ho sebetsa ka polokeho mme ba fuwa le ho sebedisa diaparo tse ba sireletsang ha ho hlokeha.
Kotsi tse ngata di hlaha ka metjhini ka nako ya tlhokomelo le thibollo ya yona.
â— Moifo o rupelletswe ka nepo ho etsa mosebetsi.
â— Hydraulic raised machines kapa dikarolo di thibelwa ho theohela tlase ka ho sebedisa mekgwa ya mekheniki e jwalo ka di-stop kapa di-jacks ha batho ba sebetsa ka tlasa tsona.
â— Ba kenya diaparo le disebediswa tse tshwanetseng tsa tshireletso.
â— Wa sitisa batho ba sebedisang metjhini.
Sesosa se seng sa ho lemala temong ke sa diterekere tse fetohang. Ho lemala ho hobe haholo ke hona ho tlwaelehileng, mme diketsahalo di kenyelletsa bakganni, le basebetsi ba bang le ditaaso. Diketsahalo tse ding di etsahala ha batho ba tlohela dikoloi tsa bona ntle le ho etsa bonnete ba hore di ke ke tsa sutha kapa tsa baka dikotsi ka mokgwa ofe kapa ofe.
â— Dinotlolo di behwe sebakeng se bolokehileng ha dikoloi di sa sebetse.
Rera ka nepo mme o hlophise hore ho be le lift, o sebedisa disebediswa tse tshwanetseng le batho ba nang le bokgoni ba ho fokotsa dikotsi.
â— Merwalo e bolokehileng ya ho sebetsa e tshwauwe sesebedisweng sa ho phahamisa dintho.
â— Ha o kganna, di-fore loader di be boemong bophahameng ha di se na letho, mme di be tlase ha di tletse, ntle le moo hona ho ka bakang kotsi, mohlala, mebileng ya setjhaba.
Ho se sireletseha lerateng le leholo ho ka baka tshenyo ya saruri ya ho utlwa, hangata ntle le hore motho ya etsahallwang ke hona a tsebe ka hoo ho fihlela ho feta nako e telele hoo ho ka bakang tinnitus kapa botsebetutu.
â— Moo ho se sireletseha ho fihlang ho 90 dB kapa ka hodimo ho moo, tshwaya dibaka tsena ka "dikarolo tseo o lokelang ho sireletsa ditsebe" ka matshwao a bontshang hore ho lokelwa ho kengwa disebediswa tse sireletswa ditsebe le ho etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong ya kenang dikarolong tsena o kenya sesireletsi.
Ho thothomela ho iphetang hangata kapa ho nkang nako e telele ho bakwang ke ho sebedisa dithulosi tse thothomelang tse jwalo ka di-chainsaw, di-brush cutter kapa di-grinder di ka baka hand-arm vibration syndrome - sehlopha sa malwetse se kenyelletsang ho senyeha ha vibration white finger, methapokutlo, mesifa kapa manonyeletso. Matshwao a temoso a kenyelletsa ho tjhwatjhwasela kapa ho shwa bohatsu menwaneng, menwana e tjhentjha e ba mesweu tlasa maemo a batang kapa a mongobo, ho latele ho opa le ho fubela.
Ho kganna diterekere kapa metjhini e meng e itsamaisang ho ka etsa mmele hore o thothomele kapa o tshisinyeho ya ho tshoha e amanang le mokokotlo o bohloko ka mokgwa o sa feleng kapa lehlaba nokeng le lengweleng. Matshwao a temoso a kenyelletsa lehlaba le ho tiya ha mokokotlo, noka kapa lengwele ka mora ho sebetsa ka terekere.
Ke eng eo o ka e etsang?
â— Tsamaya ka lebelo le tshwanetseng bakeng sa maemo a fatshe, mme o qobe mekoti e tseleng, jj.
â— Futhumatsa matsoho pele o sebetsa mme o a boloke a futhumetse.
Ho se sireletsehe boemong ba lehodimo, haholoholo mahlaseding a letsatsi kapa mohatseleng o moholo ho ka ba kotsi.
â— Hlokomela di-mole, dihlokofele kapa ho fela mmala ha letlalo. Bona ngaka ya hao ha di-mole, jj.
â— Diaparo tsa ho sebetsa di lokelwa ho hlahiswa ka methiriele e bolokang mmele ya basebetsi e omme hape e na le themperetjhara e amohelehileng.
â— Ho tshwanetswe hore ho fanwe ka diaparo tsa tshireletso moo ho nang le kotsi ya UV radiation kapa dikotsi tsa bayoloji, tse jwalo ka dimela, diphoofolo le tshwaetso tse nang le tjhefo.
Ho teana le diphoofolo ho ka baka di-zoonoses (malwetse a fetiswang ho tswa diphoofolong ho ya bathong). Di-micro-organism (diphedi tse nyenyane) tse jwalo ka baktheria, divaerase, dinwamadi le fungi di ka baka ho kula ka ho tshwaetsa mmele ha di ka hengwa, tsa kengwa kapa ha di ka kena letlalong. Matshwao a fapana ho tswa ho mathata a letlalo ho ya maemong a ho qala a "tshwanang le a mokakallane" a ka bakang ho kula hwa nako e telele ha ho sa alashwe.
Na nka etsang bakeng sa ho fokotsa kotsi?
â— Fokotsa kotsi ya tshwaetso ka ho boloka mohlape o phetse hantle.
â— Etsa bonnete ba hore o ba le bohlweki bo tshwanetseng.
â— Kwahela meseho le mengwapo yohle ka sesebediswa se sa keneng metsi.
Ho se sireletsehe dikhemikhale tse kotsi kapa dintho tse ding, mohlala, dibolaya-disenyi, meriana ya diphoofolo (ho kenyelletsa le didipi tsa dinku), lerole, mosi kapa methiriele e jwalo ka motswako o metsi wa seretse, letsopa le laeme, seretse sa diswiritjhi kapa menontsha, ho hema mosi e tswang polasetiking e tukang kapa lerole le bakilweng ke koro e tsamaiswang, menontsha, mahlaka, fufu, ho teana le motswako o metsi wa seretse, letsopa le laeme, moitedi, jj.; kapa ho tshelwa ke dibolaya-disenyi kapa dipi ya dinku; tsena tsohle di ka baka ho kula.
â— Ho hema ka mokgwa o makgerehlwa.
Matshwao ana a ka ba a nako e kgutshwane ka nako ya mosebetsi kapa a ka mpefala a nke nako e telele ho fihlela a ba boemong boo a hlahang ka mehla. A ka qalwa le ke ho se sireletsehe ho honyenyane haholo nthong e itseng e ka se utlwaneng le mmele wa hao, kapa a tsoloswa ke ntho e itseng. Ha o tsuba, ha wa sireletseha hape dinthong tsena mme o ka na wa hlaha mathata a mabe haholo a sefuba.
Ho bohlokwa ho itshireletsa wena le basebetsi ba hao.
â— Ho sebedisa vacuum spillage ho ena le ho fiela- sebedisa filter e sebetsang ka mokgwa o hodimo haholo.
â— Ho kenya disebediswa tse sebetsang hantle haholo tsa tshireletso ya phefomoloho. Etsa bonnete ba hore o sebedisa mask e tshwanetseng kapa respirator bakeng sa lerole, di-vapour kapa di-aerosol.
Di-mask le di-respirator di lokelwa hore ka mehla di bolokwe sebakeng se hlwekileng hape se ommeng - o se ke wa di aneha dihukung kapa dipekereng dibakeng tse ditshila, hape tse lerole.
â— Hlatswa metsi a tshelang letlalo le diaparo ka potlako, mme o hlape pele o ja, o nwa kapa o tsuba.
â— Tlaleha diketsahalo tsohle tse belaelwang e le tsa tjhefo hore ho tle ho etswe dipatlisiso tse felletseng ka tsona.
â— Dimela tse sebeditsweng ka dikhemikhale di lokelwa ho tshwarwa ka hloko ho fokotsa tshilafatso ya motho ka seqo.
â— Mekotla ya ho lema kapa marapo kapa ditshelo tse ding bakeng sa ho tsamaisa dimela tse sebeditsweng sebakeng sa ho sebetsa di lokelwa ho hlwekiswa ka ho ntshwa le ho hlatswa letsatsi le letsatsi.
Ho lemala ho hongata temong le merung ho tla ka baka la ho thella, ho kgopeha le ho wa. Lekola hore dibaka tsa ho sebetsa ha di na dintho tse bakang tshitiso, tse jwalo ka dikheibole tse sa kwahelwang, mekotla kapa di-pallet le hore ho na le sebaka se lekaneng sa ho beha dithulosi le disebediswa. Boloka meaho ya hao e le maemong a lokileng, o etse bonnete ba hore difuluru ha di na dintho tse ngata ho feta tekano, haholo dibaka tsa ho fepela kapa meaho ya kgale.
Fokotsa kotsi ya ho wa, ho kgopeha le ho thella.
â— Matshwao a polokeho moo ho nang le kotsi e kgolo ya bophelo bo botle le polokeho ka mora ho ba o nke mehato ya taolo e hlwauweng ke tekolo ya hao ya dikotsi.
â— Hobane e le ntho e tlwaelehileng hore basebetsi ba temong le merung ba sebetse ka dihlopha tse nyenyane dibakeng tse arohaneng, mosebetsi ka mong o lokelwa ho rupellwa ka thuso ya pele ya motheo. Thupelo ena e lokela kenyelletsa kalafo ya maqeba a bulehileng le ho pholosa motho.
â— Ho tshwanetse hore ho be le sepalangwang kapa mokgwa wa dikgokahano sebakeng sa ho sebetsa hore ho tle ho kgonwe ho iteanya le ba ditshebeletso tsa pholoso tlasa maemo a tshohanyetso.
Kotsi ya ho kula ka baka la dintho tse kotsi le ka baka la manyoro kapa dihlahiswa tsa diphoofolo tse nang le diphedi tse nyenyane tse kotsi.
â— Phepelo ya metsi a hlwekileng a ho nwa (a tshwauwe ho a hlwaya ho tswa phepelong e nngwe ya metsi a sa noweng).
Malwetse a mang a bakwang ke mosebetsi a lokelwa ho tlalehwa Lefapheng la Mesebetsi.
â— Metjhini - bolwetse ba ho thothomela matsohong ho bakwang ke mosebetsi ka di-chainsaw, di-brush cutter kapa di-hand-fed circular saws.
<fn>DOL. OhsFoodbeverage.2010-12-07.st.txt</fn>
Ho phahamisa, mosebetsi o iphetaphetang le dikotsi tseo o di fumanang ka baka la boemo bo o bang ho bona ha o sebetsa.
Ho se sireletsehe dikotsing tsa bayoloji - ho se sireletsehe dintho tsa bayoloji le tsa microbiological ho ka amahangwa le ho hema le ho ja lerole ekasitana le ho sebetsa maemong a hodimo a mongobo.
Ho se sireletsehe motjhesong le mohatseleng. Indasteri ena e ka bopa maemo a themperetjhara e fetohang ho tswa mesebetsing e jwalo ka ya ho tshwara motjheso, ho hatsetsa le ho hwamisa.
Ho sebetsa dibakeng tse nyenyane tse nang le dipehelo. Mehlala e meng indastering ena ke ena: Ditanka le dibini tsa ho boloka, di-pit le di-sump, ditanka tsa mafura a dipalangwang, di-grape presses le di-crusher, ditanka le dinkgo tsa ho lomosa.
Beha meedi ya ditsela tsa transporoto le dibaka tsa ho sebeletsa.
Basebetsi ba lokelwa ho rupellwa mekgwa e nepahetseng ya ho phahamisa dintho mme diteishene tseo ho sebeletswang ho tsona di lokela ho ralwa ka tsela e tla etsa bonnete ba hore mosebetsi oba le sebaka se lekaneng sa ho sebeletsa.
Tshebetso tse ding tse jwalo ka tsa ho tshela dijo ka dikaneng, ho tshela dino ka dibotlolong, le tshebediso ya di-conveyor di baka hore basebetsi ba se sireletsehe lerateng le leholo.
Mehato ya taolo ya boenjinere ho fokotsa maemo a lerata, le ho sireletsa motho ka seqo ho tshwanetswe hore e be ntho e tiisetswang.
Transporoto ya ka hare e jwalo ka di-forklift le di-container.
Ho ntshetsa pele bohlweki ba motho ka seqo le ho netefatsa hore ho ba le karoano ya dibaka tsa mosebetsi le tsa thekolohelo.
Basebetsi ba lokelwa ho rupellwa ka mekgwa e bolokehileng ya ho sebetsa bakeng sa mosebetsi ka mong ho kenyelletswa le mekgwa ya thuso ya pele.
Ngaka e ngodisitsweng ka molao kapa mooki ya ngodisitsweng ka molao o lokela ho tiisetsa hore basebetsi ba phetse hantle.
Ramosebetsi o na le boikarabelo ba ho hlwaya hore na dibaka tse nang le dipehelo di teng mosebetsing. Ha di le teng, dintlha tsohle tsa makeno di lokela ho sireletseha mabapi le ho kena kapa matshwao a lokelwa ho sebediswa ho hlwaya dibaka tse nang le dipehelo.
Basebetsi ba lokelwa ho nehwa disebediswa tse nepahetseng tsa ho hema pele ba ka kena dibakeng tse nang le dipehelo mme ba lokelwa ho rupellwa ka moo ba ka sebedisang disebediswa tseo.
Etsa bonnete ba hore dintho tse beuweng ka hodima boemo ba fuluru (mohlala, ho storage shelving) di na le botsitso mme di ke ke tsa wa ha bonolo ha di ka sitiswa.
Etsa bonnete ba hore dintho tse telele tse ikemetseng ka botsona (mohlala, disilidara tsa kgase) kapa dintho tse itshetlehileng maboteng di na le botsitso ha di ka thulwa, le hore di bolokehile.
Dithulosi tsa matsoho di lokelwa ho bolokwa di le boemong bo botle e le hore ho se ke ha hlokeha matla a sa batleheng ho di sebedisa.
Di-pallet truck tse tsamaiswang ke ditaaso, diraka, ditroli, jj. di lokela ho sebedisa ditsela tse kgethuweng tse hole le basebetsi ba bang ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang.
Tekolo ya kotsi e lokela ho ela hloko hore ke sebaka sefe se seng seo ho sona dikotsi tse ikgethang di ka bang teng (mohlala, ho pitikolosa di-barrel kapa di-keg, ho phahamisa dihuku le dintho tse ntshwang ke metjhini).
Indasteri ya tlhahiso ya dijo le dino hantlentle e na le diindasteri tse 30 tse fapaneng. Tsona di fapana ho tloha ho dilakga, tlhahiso ya tswekere le tshilong ya koro le moo ho hlahiswang whisky. Sekgahla se kopaneng sa ho lema diindastering tsa dijo le dino ke se hodimo haholo. Le ha ho le jwalo sekgahla sa ho lemala se fapana haholo dindastering tsa dijo le dino.
Ho tsena, sesosa se seholo sa dikotsi tse mpe haholo e ntse e le transporoto ya sebakeng sa ho sebetsa, ho kenyelletsa le ho wa ho tswa hodimo le metjhini.
kgatello e matla ya kelello e bakwang ke mosebetsi.
Jwala le dinwamaphodi.
Basebetsi ba tshwanetswe ho rupellwa ka mekgwa e bolokehileng ya ho sebetsa bakeng sa mosebetsi ka mong ho kenyelletswa le mekgwa ya thuso ya pele.
Letoto la tlhahiso ya dijo le na le mehato e meraro - temothuo, tlhahiso le thekiso/catering. Tlhahiso ya dijo le dino e etsahala difekethering tse siyanang ka boholo ho tloha ho tse hirang basebetsi ba mmalwa ho ya ho tse hirang makgolokgolo a basebetsi. Hantlentle, difeketheri tse ngata tse mahareng kapa tse kgolo haholo tsa dijo le dino ka botsona ke karolo ya mekgatlo e nang le ditsha tse ngata ya naha kapa yona ya matjhaba, e hirang diketekete tsa basebetsi. Karolo ya boikarabelo ba Lefapha la Mesebetsi haholoholo e kenyelletsa mehato ya ho qala e mebedi letotong lena - temothuo le tlhahiso. Thekiso le catering di wela ka boikarabelong ba mafapha a bophelo bo botle ba tikoloho a makgotla a metse, le ha Lefapha la Mesebetsi le sebetsa le mafapha ana ho etsa bonnete ba hore ho etswa mosebetsi ka tsela e tshwanang ditabeng tsa bophelo bo botle le polokeho.
Bophelo bo botle mosebetsing ka kakaretso ho boima haholo ho bo laola ho ena le polokeho. Disosa le ditlamorao tsa polokeho e fokolang mosebetsing hangata ho bonolo ho sebetsana le tsona. Sesosa sa ho kula ho amanang le mosebetsi ho ka ba boima haholo ho se bona. Hangata ho ka nka nako e itseng hore matshwao a hlahe ka hoo kamano pakeng tsa sesosa le sephetho ha e ya hlaka hantle, empa hang ho ba mathata a bonwe le ho ananelwa, ditharollo di ngolwa fatshe.
Bakeng sa mathata a mangata a bophelo bo botle mosebetsing, jwalo ka ho lemala mokokotlo, ho ka ba le disosa tse ding tse sa amaneng letho le mosebetsi. Basebetsi ba ka na ba se batle ho bolela hore ba na le mathata a bophelo bo botle a amanang le mosebetsi hobane ba tshaba hore ba ka fellwa ke mosebetsi kapa ba tshaba sekgobo se tsamaelanang le mefuta e itseng ya ho malwetse. Tlasa mabaka ana ho bohlokwa haholo ho hlwaya le ho fokotsa dintlha tse mpefatsang maemo tse hlahang mosebetsing.
Le ha ho na le tlhahisoleseding ya ditharollo tsa mathata a bophelo bo botle a amanag le mosebetsi, tsebo ya ka hare e mabapi le ditharollo tse sebetsang hantle haholo e ka na ba e nyenyane. Tse ding tsa kgwebo tse kgolo haholo indastering ena di hira moifo wa di-specialist tsa bophelo bo botle mosebetsing, hangata ba nang le tsebo e batsi ya tsa bongaka. Le ha ho le jwalo, bakeng tsa kgwebo tse ngata, haholoholo kgwebo tse nyenyane, phihlelo ya dikeletso tse tshepahalang tsa bongaka ka bophelo bo botle mosebetsing e nyenyane haholo. Ha batho ba bangata ba na le bothata ba ya ngakeng tsa bona, empa dingaka tse ngata ha di na tsebo ya ho sebetsana le ditaba tsa bophelo bo botle mosebetsing.
Kgwebo tse ngata ha di hloke ho hloma mafapha a di-specialist kapa ho lefela baeletsi ba tsa bongaka ho laola bophelo bo botle mosebetsing letsatsi le leng le le leng.
Bongata ba ketsahalo tsa ho kula mosebetsing bo bakwa ke palo e nyenyane ya disosa tsa motheo, tseo tsohle di ka laolwang ke bolaodi le basebetsi ka ho sebetsa mmoho ho hlwaya ditsela tse sebetsang tsa ho laola tse tshwanetseng dibaka tsa bona tsa ho sebetsa. Le ha ho le jwalo, tsebediso ya di-physician tsa mosebetsi le ditsebi tse ding e ka boloka ditjeo tlasa maemo a mang a tshwanetseng. Karolo ena e hlalosa sesosa se tlwaelehileng sa ho kula mosebetsing diindastering tsa dijo le dino mme e fana ka keletso ya ka moo hona ho ka laolwang ka teng.
bothata ba letlalo ba mosebetsing: ho tswa mosebetsing wa ho hlatswa ka matsoho, ho teana le di-foodstuff, jj.
tahleho ya kutlo e bakwang ke lerata: moo maemo a lerata e bang ka hodimo ho 85 dB(A). Ka bobedi di-WRULD le ho lemala mokokotlo ke tsona tse tlwaelehileng haholo. Le ha ho le jwalo, dikotsi tse ding di kgolo le tsona mme di hlaha moo maemo a dumelang.
Neha basebetsi ditlelafo tse tla ba sireletsa kgahlanong le ho sehwa ke dithipa.
Ena ke mesebetsi ya bohlokwa e lokelwang ho elwa hloko ha ho etswa tekolo ya kotsi.
Na re tla tseba jwang hore re na le bothata?
basebetsi ba apereng dibandetjhe, di-splint, di-rubon, di-copper bracelet kapa di-magnet.
Ha o na le bothata bona bo ka baka ditjeo tsa tjhelete ka baka la ho se tle mosebetsing o kula, ho ba le moifo wa batho ba bangata haholo, ho rupellwa botjha, tahlehelo ya tlhahiso, jj. Ditaba tsa ditlhapiso di a eketseha mme mathata a ka ama dtefiso tsa hao tsa inshorense.
Mehlodi ya dintlha e tlaleha boemo bo hodimo haholo ba asema tlhahisong ya dijo le dino. Sesosa se seholo sa asema ke ho hema lerole ho tswa korong le folourung, mme di-bakery tsona di na le ketsahalo ya bobedi ka boholo ya mesebetsi e etsuwang indastering efe kapa efe.
Asema e amanang le mosebetsi e ba le seabo sa hore basebetsi ba heme lerole le bang le bothata phefomolohong - jwalo ka lerole le tswang korong le folourung, di-enzyme additive , protheine ya mahe, protheine ya tlhapi, di-spice le patsi - ka hoo basebetsi ba amehang mosebetsing wa ho sila, ho ritela, ho baka, tshebetso tsa ho lokisa tlhapi, jj. Ba kotsing e itseng. Asema ke bolwetse bo hatellang kelello haholo hape bo na le bokgoni ba ho bolaya.
Mehlodi ya dintlha e ngotse fatshe boemo bo boholo haholo ba bothata ba letlalo.
Bothata ba letlalo bo amanang le mosebetsi bo ama basebetsi ba sebetsang ka nama, tlhapi le bomaditshibana, ditholwana le meroho, ekasitana le bao ba bakang, ba etsang dikuku, ba phehang, ba hlwekisang le basebetsi ba bang ba bangata.
Bothata ba letlalo bo amanang le mosebetsi bo bakwa ke ho teana le metsi, sesepa le disweufatsi (e ka ba diketshalo tse etsang 55% tsa hona) le ho teana le dijo tse ding tse ngata tse fapaneng tse jwalo ka tswekere, folouru/hlama ya ho baka, ditholwana tsa dilamunu, meroho, di-spice le ditlama, tlhapi le dijo tsa lewatle, nama le bomaditshibana (e ka ba ketsahalo tse etsang 40% tsa hona).
Rhinitis (dinko tse tswang mamina kapa tse thibaneng) e baka ho petla ha mucous membrane e ka dinkong e leng ntho e bakwang ke lerole le tjhwatjhwaselang.
Koro, folouru, di-spice, dinoko le lerole la patsi le ka baka rhinitis, conjunctivitis (mahlo a tletseng dikeledi kapa a hlohlonang) le diphetho tse ding tse tjhwatjhwaselang.
Tahleho ya kutlo e bakwang ke lerata.
Ho se sireletsehe maemong a hodimo haholo a lerata mosebetsing ho ka baka tshenyo e ke keng ya lokiswa ya kutlo, eo ho ka bang boima ho e hlwaya jwalo ka ha diphetho di ntse di eketseha butlebutle ha nako e ntse e ya. Maemo a lerata a ka ba hodimo, e ka ba dibakeng tse kgolo (mohlala, diphaposing tsa moo ho tshelwang dintho ka dibotlolong) kapa ka hare polanteng e lerata le metjhini (mohlala, sehlahiswa se ba le sephetho ho di-hopper). Ha tekolo ya boemo ba setsha ya dikotsi e supa hore lerata ke lona le ka hodimodimo, hona ho ka laolwa hantle mohloding.
Ramosebetsi o lokela ho ba le boikarabelo ba molao le ba boitshwaro ba ho etsa ka moo ho ka kgonahalang ka mokgwa o utlwahalang ho thibela ho kula ho amanang le mosebetsi.
Bakeng sa ho sireletsa bophelo ba basebetsi, sesosa sa dikotsi tsa bophelo bo botle mosebetsing di lokelwa ho tsejwa pele. Nqeng tse ngata hona ho a iponahatsa ka boona. Hang ho ba kotsi e kgolo (di-MSD, lerole, lerata, jj.) e hlwauwe, ho lokelwa ho nkwa mohato wa ho lekola kotsi tsena ka bong ka tsela e tshwanang le ya ditaba tsa polokeho. Ho bohlokwa ho se hlwaye feela motho ya mong (kapa dihlopha tsa batho) ya sa sireletsehang dikotsing tsena empa hape le bonamo ba ho se sireletsehe ha hae mmoho le ditlamorao tse ka latela. Tsebo ena hape e tla ba molemo ha o thaotha basebetsi, kapa ka nako ya tsosoloso, bakeng sa ho etsa bonnete ba hore tikoloho ya mosebetsing ha e amehe hampe haholo ke maemo a bileng teng pejana a bongaka.
Tshebetso tse ding tse jwalo ka ho tshela dijo ka dikaneng, ho tshela dino ka dibotlolong, le tsamaiso ya di-conveyor di baka hore basebetsi ba se sireletsehe maemong a hodimo haholo a lerata.
Taolo ya ho ba teng mosebetsing e se e le ntho e kgolo ho boramesebetsi ba bangata ba baholo. Tlhahisoleseding e fumanweng ketsahalong e nngwe e laolwang ka matla ya ho ba teng mosebetsing e ka ba molemo haholo ho bona mathata a bophelo bo botle a amanang le mosebetsi. Haebe ho na le mesebetsi e meng kapa dikarolo tsa sebaka sa ho sebeletsa moo ho se tle mosebetsing ho leng hodimo, hoo ke sesupo sa bothata. Maemo a hodimo a lehlaba mokokotlong kapa matshwao a di-WRULD a ka amahangwa le mefuta e itseng ya mosebetsi.
Tlhahisoleseding e ngata e ka fumanwa ho basebetsi ka bobona.
Basebetsi ba ka nna ba hana hore ba na le mathata a bophelo ho botsamaisi ha ba nahana hore hoo ho ka thefula menyetla ya bona ya mosebetsi kapa haebe tlhahisoleseding eo ke e seng monate. Le ha ho le jwalo, ho na le ditsela tse ngata tsa ho bokella boiphihlelo kapa ho bokella mehopolo e ka sireletsang ho ba sephiring le ho etsa bonnete ba hore ho ba le karabo e tshepahalang haholo.
Jwalo ka bothata bofe kapa bofe ba bophelo bo botle le polokeho, tatellano ya mekgwa ya taolo e lokelwa ho latelwa. Moo ho kgonehang, ho tlosa kotsi ke yona kgetho e ntle haholo. Ho tshepela ho tshireletso ya motho ka sesebediswa sa motho ka seqo sa tshireletso e leng personal protective equipment (PPE) hangata e tshwanetse hore e be ntho ya ho qetela e ka etsuwang.
Hangata tshebetso ya taolo ya bophelo bo botle mosebetsing e hloka feela dikgokahano tse ntle pakeng tsa batsamaisi le basebetsi. Hangata ha ho hlokehe hore ho fumanwe thuso ya specialist kapa ditsebi; le ha ho le jwalo, ho ameha ha di-physician tsa mosebetsi le di-specialist ho ka boloka ditjeo tlasa mabaka a tshwanetseng. Ha ho hlokeha dikeletso tsa setsebi e ka nna ba ha se tsa bongaka, mohlala, bakeng sa di-MSD tse ngata, sebaka seo ho leng bonolo ho sebetsa ho sona e ka ba sona se tshwanetseng haholo, kapa bakeng sa bothata ba asema ho hlokehe hygienist ya mosebetsi.
Le ha ho etswa ka matla ho thibla hore batho ba se ke ba kula mosebetsing, ho tla ne ho be le diketsahalo moo motho e mong a tla kulang. Sesosa sa ho qala sa bothata ba bona ba bophelo bo botle e ka nna ba ha se amane le mosebetsi, empa ditlamorao di ntse di tshwanetswe ho laolwa. Ho a kgonahala hore motho a be le mokokotlo o bohloko kapa ho kula ho amanang le kgatello e matla ya kelello ka baka la dintlha tse sa amaneng le mosebetsi, empa ha ba sebetsa mesebetsing e kenyelletsang ho phahamisa dintho tse boima kapa o matla haholo moo ho ba le monyetla o moholo wa hore mosebetsi wa bona o mpefatse boemo e be ho ba ntho e nngwe e mpe haholo. Ho hloleha ho laola ketsahalo ya ho kula ho ka ba le sephetho sa ho kula saruri le ho lahlehelwa ke mosebetsi wa bohlokwa.
Na o lekotse wa ba wa fihlela ditlhoko tsa hao tsa bophelo bo botle mosebetsing?
Tekolo ya kotsi e ka hlwaya mesebetsi le maemo a ka sehloohong e ka bang kotsi bophelong bo botle ka hoo o ka kgona ho etsa qeto ya ka moo o ka fihlelang ditlhoko tsena tsa bophelo bo botle mosebetsing khampaning ya hao. Tekolo ya bophelo bo botle e a hlokeha haholoholo bakeng sa dikotsi tse se nang maemo a se sireletsehe mosebetsing bakeng sa ho etsa qeto ya hore na mehato ya taolo e lekane. Mehlala ya moo ho hlokehang tekolo ya bophelo bo botle e kenyelletsa le moo ho nang le kotsi ya asema e hlahang mosebetsing (mohlala, ho se sireletsehe ho di-sensitiser tse jwalo ka koro lerole, lerole la folouru, lerole la bakery, protheine ya tlhapi kapa mahe kapa di-spice), di-MSD (ho kenyelletsa le di-WRULD) ho se sireletsehe tshwaetsong tsa microbiological (mohlala, dilakgeng), kotsi ya bothata ba letlalo le ho sebetsa ditikolohong tse tjhesang kapa tse batang. Hopola: methiriele ya dijo e ka nna ba e na le sephetho sa ho utlwane le mmele le ha e le boemong bo tlase haholo ba ho se sireletsehe.
Ho hlokeha tsela ya seprofeshenale ya bophelo bo botle mosebetsing. Yona e ka amahangwa ka tsela e molemo le ditlhoko tsa polokeho ya dijo/bohlweki.
Na o na le mekgwa ya tsamaiso ya ho thibela, ho fuputsa le ho laola ho lemala mesifa ya mohlolohlolo, jwalo ka ho huleha mesifa ka baka la ho phahamisa dintho tse boima kgafetsa kapa di-WRULD ho tswa mosebetsing o iphetaphetang Mehato e iphetaphetang e boloka ditjeo. Ha ho kgonahale ho thibela ketsahalo tsohle tsa di-MSD, ka hoo ho tlaleha matshwao nako e sa le teng, kalafo e nepahetseng le tsosoloso ke dintho tsa bohlokwa?
Kenyelletsa mokgwa wa ho sebetsa ha bonolo moralong wa dithulosi, metjhini, dibaka tsa ho sebeletsa le mekgweng ya ho sebetsa. Ela hloko taba ya ho fokotsa ho thothomela, matla a hlokehang le ho fetoha ha boemo ba mmele.
Sheba potoloho ya mosebetsi, lebelo la ho sebetsa, dikgefutso le phano ya thuso. Ela hloko hore ha nako ya ho se sireletsehe e eketsehile ka nako e ekeditsweng kapa ka nako eo ho hlokehang hore ho sebetswe haholo.
Ela hloko mekgwa ya ho bopa diqubu, ho tshwara le ho tsamaisa thepa bakeng sa ho thibela dintho hore di se ke tsa wa.
Etsa bonnete ba hore ho futhumetse mme ho na le sebaka se lekaneng, bodulo le kganya.
boemo bo seng botle ba mmele.
Fokotsa mesebetsi e ka bang le bokgoni ba ho lematsa ka ho shebana le disosa tsena tse tharo.
Hona ho ka thusa ho etsa bonnete ba hore batho ha ba kengwe mesebetsing e tla mpefatsa maemo a bona a ha jwale kapa a nakong e fetileng a bothata ba mesifa ya mohlolohlolo kapa maemo a mang.
Etsa bonnete ba hore mesebetsi e ka bang kotsi ha e nehwe batho bao ba tsejwang ba kile ba lemala le hore mesebetsi e ka mpefatsang boemo ba kotsi ha e fuwe bao ba kileng ba lemala nakong e fetileng.
Basebetsi ba lokela ho fumana thupelo le tlhahisoleseding ka mofuta wa dikotsi tse ka bang teng le hore disosa tsa tsona ke dife, mekgwa ya ho phahamisa dintho ka polokeho (haholoholo boemo ba mmele le mekgwa ya ho kuka dintho) le tlhokeho ya ho tlaleha dikotsi.
Lekola basebetsi mesebetsing e ka hlahisang kotsi kapa e ka mpefatsang kotsi, mme hona ho etswe nako e sa le teng mosebetsing o motjha, mohlala, ka mora dibeke tse nne, ho etsa bonnete ba hore ha ho na ditshupo tse kgahlanong le hoo tse bang teng.
Mesebetsi e mengata e hlwauwa ka hodimo, empa le wena o ka etsa mosebetsi wa ho tsosolosa le ho beha leihlo bao ba angwang ke ketsahalo eo.
Nahana ka tekolo botjha ya bongaka ya basebetsi, mohlala, ka mora dibeke tse nne a le siyo mosebetsing, hape nahana ka kalafo ya physiotherapy, jj. ha ho hlokeha.
Ho etsa bonnete ba hore tsela ya ho laola di-WRULD e sebetsa hantle haholo, yona e lokelwa ho behwa leihlo kgafetsa.
Rerisana ka botlalo le baemedi ba mekgatlo ya basebetsi kapa baemedi ba bang ba basebetsi le basebetsi ho etsa bonnete ba hore ho ba le ditharollo tse sebetsang hantle haholo tsa mathata.
Ho se sireletsehe motjhesong le mohatseleng. Indasteri ena e ka baka maemo a fetohang a themperetjhara ho tswa mesebetsing e jwalo ka ya ho futhumatsa, ho hatsetsa le ho hwamisa.
<fn>DOL. OhsInAgriandforest.2010-10-04.st.txt</fn>
Dikotsi, ho lemala le ho kula di ka baka tshenyo maphelong le kgwebong.
bakeng sa kgwebo e ka bang le tswelopele polasing.
Selemo le selemo batho ba bolawa ke mesebetsi ya temong le merung.
Ba bangata ba lemetse hampe mme ba kula dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona.
Ditjeo tsa tsamaiso - ho batlisisa ka ketsahalo, ho lokisa, jj.
Ditjeo tsa inshorense, ditjeo tsa molao le phatlalatso e batsi.
Ditjeo tsena tsohle di ka qojwa, mme hoo ho eketse diprofiti.
mosebetsi wa mokgeng ona.
Mesebetsi ho: www.labour.gov.za.
ba le tlhahiso e hodimo mme di etsa hore o kgone ho tswela pele kgwebong.
amohelehileng sebakeng sa ho sebetsa.
lokiswe hantle boemong ba botsamaisi bo phahameng.
polokeho bakeng sa basebetsi ba hao.
kapa ho hlaha dikotsi tse ntjha.
ho sebetsa le ho feta moo.
kenya mehato e hlokehang ya thibelo le tshireletso.
Sheba sebakeng sa ho sebetsa mme o bone ka moo batho ba sebetsang ka teng.
haholo kapa tsa ama batho ba itseng.
Hlwaya batho ba ka tswang kotsi, le teng e ka ba bakae.
dikotsi tse ntjha.
monyetla wa ntlafatso ya dintho.
kenyelletsa ha ho etswa diqeto mabapi le ditaolo tsa hao.
hore hoo ho tla etsuwa jwang le teng neng.
ka ho thusa ho etsa hona.
ho sa sebetsa.
Ho se sireletsehe maemong a lehodimo, lerata kapa ho thothomela.
ka baka mathata masapong a mokokotlo le a sebopeho sa mmele.
mokokotlong ka baka la ho huleha ha mesifa.
Na wena o lokela ho etsang?
Dikotsi tse mpe haholo mapolasing di kenyelletsa metjhini.
mosebetsi, ho kenyelletswa le metjhini, hore na e bolokehile hore e ka sebediswa.
Na ke eng eo o lokelang ho e etsa?
bakeng sa morero oo.
wedge, rivet kapa bolt.
ditataiso tsa polokeho tse hlokehang.
diaparo tse ba sireletsang ha ho hlokeha.
Kotsi tse ngata di hlaha ka metjhini ka nako ya tlhokomelo le thibollo ya yona.
Moifo o rupelletswe ka nepo ho etsa mosebetsi.
sebetsa ka tlasa tsona.
Ba kenya diaparo le disebediswa tse tshwanetseng tsa tshireletso.
Wa sitisa batho ba sebedisang metjhini.
Sesosa se seng sa ho lemala temong ke sa diterekere tse fetohang.
bakganni, le basebetsi ba bang le ditaaso.
sutha kapa tsa baka dikotsi ka mokgwa ofe kapa ofe.
Dinotlolo di behwe sebakeng se bolokehileng ha dikoloi di sa sebetse.
tshwanetseng le batho ba nang le bokgoni ba ho fokotsa dikotsi.
feta nako e telele hoo ho ka bakang tinnitus kapa botsebetutu.
kapa a mongobo, ho latele ho opa le ho fubela.
mokgwa o sa feleng kapa lehlaba nokeng le lengweleng.
Ke eng eo o ka e etsang?
mekoti e tseleng, jj.
Futhumatsa matsoho pele o sebetsa mme o a boloke a futhumetse.
mohatseleng o moholo ho ka ba kotsi.
Hlokomela di-mole, dihlokofele kapa ho fela mmala ha letlalo.
ha di-mole, jj.
ya basebetsi e omme hape e na le themperetjhara e amohelehileng.
tshwaetso tse nang le tjhefo.
diphoofolong ho ya bathong.
ha di ka hengwa, tsa kengwa kapa ha di ka kena letlalong.
a ka bakang ho kula hwa nako e telele ha ho sa alashwe.
Na nka etsang bakeng sa ho fokotsa kotsi?
Fokotsa kotsi ya tshwaetso ka ho boloka mohlape o phetse hantle.
Etsa bonnete ba hore o ba le bohlweki bo tshwanetseng.
Kwahela meseho le mengwapo yohle ka sesebediswa se sa keneng metsi.
teana le motswako o metsi wa seretse, letsopa le laeme, moitedi, jj.
tshelwa ke dibolaya-disenyi kapa dipi ya dinku; tsena tsohle di ka baka ho kula.
Ho hema ka mokgwa o makgerehlwa.
mpefala a nke nako e telele ho fihlela a ba boemong boo a hlahang ka mehla.
se utlwaneng le mmele wa hao, kapa a tsoloswa ke ntho e itseng.
haholo a sefuba.
Ho bohlokwa ho itshireletsa wena le basebetsi ba hao.
ka mokgwa o hodimo haholo.
respirator bakeng sa lerole, di-vapour kapa di-aerosol.
dibakeng tse ditshila, hape tse lerole.
o nwa kapa o tsuba.
dipatlisiso tse felletseng ka tsona.
ho fokotsa tshilafatso ya motho ka seqo.
hlwekiswa ka ho ntshwa le ho hlatswa letsatsi le letsatsi.
sebaka se lekaneng sa ho beha dithulosi le disebediswa.
feta tekano, haholo dibaka tsa ho fepela kapa meaho ya kgale.
Fokotsa kotsi ya ho wa, ho kgopeha le ho thella.
o lokelwa ho rupellwa ka thuso ya pele ya motheo.
kenyelletsa kalafo ya maqeba a bulehileng le ho pholosa motho.
tsa pholoso tlasa maemo a tshohanyetso.
tsa diphoofolo tse nang le diphedi tse nyenyane tse kotsi.
phepelong e nngwe ya metsi a sa noweng.
di-chainsaw, di-brush cutter kapa di-hand-fed circular saws.
Department of Labour. Website: www.labour.gov.za<fn>DOL. OhsInAgriculture.2011-01-10.st.
Tokomane ena e nehelana ka tlhahisoleseding mabapi le tse ka amang bophelo bo botle mesebetsing ho tsa temo, mobu le meru.
Re ikemiseditse ho qoba dikotsi le bophelo bo fokolang mme re thabela ho ba le maqhama le batho bohle mmoho le dikhampani tse sebetsanang le bophelo bo botle le polokeho ho tsa temo, mobu le meru.
Mohlala, ho sebetsana le dithoto kapa ho sebetsa mmele o sa dula hantle ho ka baka tsietsi malebana le mesifa le mohlolohlolo. Hona ke dipeine le mahlaba matsohong, manonyeletsong le ka mokokotlong a ka bakwang ke ho thinyetseha kapa ho nonyetseha (lematsa mesifa), kapa mahlaba a tsejwang ka ho re ke 'slipped' discs (ka mokokotlong), sciatica (lehlaba le kamorao mmomong ho ya tlase kapa ateraetise ya noka, mangwele kapa manonyeletso a mang.
Sebedisa dithekenike tle ntle tsa ho tshwara dintho - beha maoto a hao ka nepo, dula o otlollotswe mokokotlo, mme o tshware thoto haufi le mmele wa hao.
Etsa bonnete ba hore sebaka seo o sebetsang ho sona se hlophisitswe ka tsela eo disebediswa le dihlahiswa di ka fumanehang habonolo o sa otlollohe, mme o leke ho fetola mesebetsi kapa o sebetse ka tsela eo o sebedisang mesifa e fapaneng ya mmele.
o di entswe ka masela a loketseng.
ha se e pitikolohang, e nang le ho itseng ho thibelang mohl.
tiisa hore e bolokehile kotsing. mohl. ha e no lematswa ke diphoofolo ha motjhini o behuwe.
Ha o reka kapa o hira metjhini molao o batla hore motho eo tsena di tholwang ho yena o lokela ho nehelana ka disebediswa tsa polokeho (safeguards) tse hlokehang.
Diketsahalo tse ngata ka metjhini di etsahala ha metjhini e hlwekiswa kapa e thibollwa.
Ba apara diaparo le disebediswa tsa polokeho tse nepahetseng.
Motlakase o ka bolaya. Batho ba bararo ho isa ho ba bane ba bolawa ke motlakase mesebetsing ya tsa temo selemo se seng le se seng. Tse ngata tsa diketsahalo tsena di kenyelletsa ho ama dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng. Tse ding di kenyelletsa disebediswa tsa matsoho tse sa hlokomelweng hantle kapa dithapo tsa katoloso. Ho hokela motlakase ka tsela e fokolang mmo le disebediswa tsa wona tse fokolang le tsona di ka baka mollo.
Dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng.
Motlakase o ka tlola dikgeo ha ditshepe kapa disebediswa di matahanngwa/hokahanngwa hammoho haholo: ha ho hlokehe hore o ame dithapo tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng hore o tsebe ho tswa kotsi. Ha dithapo tse fepelang motlakase di tsamaiswa fatshe, buisana le mofepi wa hao wa motlakase hore na ho ka kgoneha hore di tsaiswe ka tsela esele, kapa ka tlasa lefatshe kapa tsa phahamiswa. Haeba hona ho ke ke ha etswa, etsa bonnete ba hore o na le mmapa wa tsela ya dithapo (o fumanwa ho mofepi wa hao wa motlakase) mme baeti ba tlo sebetsa jwalo ka ba kontraka ba na le dikhopi.
bolokeha, kapa wa dumella karolo leha e le efe feela ya motjhini (mohl. crop sprayer, tipper lorry) kapa lere, phaepe ya ho nosetsa, jj. ho ba bohole ba dimetara tse 15 ho tloha dithapong.
etsa fense yab terata tselenh e le nngwe le dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho, kapa wa tsamaisa kapa hona ho koba terata ya fense moo e ka tlolang mme ya ama thapo ya motlakase. Diterata tse telele tse kang mobung o tsitsinyehang di kotsi haholo.
boloka metjhini pela kapa wa e tshetlehwa ho ditora kapa dipalo tsa dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo.
Ho ama dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo ho ka etsa hore mohlodi wa motlakase 'o we' nakwana - empa o ka hokelwa hape ka sesebediswa se kwalang se sebetsang ka bosona. O se ke wa ba wa leka ho thatholla ditshepe ho fihla monga motlakase a netefatsa hore dithapo di shwele. Ha ho hlokeha hore o sebetse pela dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo, buisana le mofepi wa hao wa motlakase mme a kgaole motlakase nakwana feela.
Ha eba ho ka etsahala hore ebe o sebetsa pela thapo tse patilweng tlasa lefatshe, fumana tlhahisoleseding ka tsela ya tsona ho tswa khampaning e o fepelang motlakase. Batla motho ya nang le bokgoni ho nnetefatsa hore ha ho na dithapo pele o qala ho tjheka ditseleng kapa pela meaho.
ho na le masoba a phepelo a lekaneng - ho imetsa lesoba ka ho sebedisa di adaptara tse menahanyang ho na le kotsi ya ho phatlola mollo. Dibakeng tse loketseng mohl.
difyuse, di-circuit breakers, jj. di lekantswe hantle bakeng sa tsamaiso/circuit eo di e sirelleditseng.
o na le polaka le sokete tse loketseng bakeng tsa disebediswa tse nkang motlakase o mongata mohl.
Disebediswa tsa motlakase tse sebediswang kantle kapa moo ho nang le dimetale tse sa hokananag le lefatse di lokela ho sebetswa ka divoltheje tse tlase ho tswa ho transefomara ya polokeho e ikemetseng ka boyona (mohlala, divolts tse 110 mme bohare bo hokahantswe le fatshe) kapa e hoketswe ka RCD e tla kgaola motlakase kapele ha ho na le phoso kgokahanong le lefatshe. Lekodisisa hore na ho ka kgoneha hore o qobe ho sebedisa motlakase ho hang, mohlala ka ho sebedisa disebediswa tsa moyakapa dikhompresa kamoo ho sebeletswang kateng (empa hlokomela hore lerata e ba le lekae).
hlahloba disebediswa tse jarwang kgafetsa.
Ho bohlokwa ho tseba seo o lokelang ho se etsa ha motho a kenwe ke motlakase. mmeleng wa hae.
Pele hopola ho arohanya mohlodi wa motlakase ka nako tsohle, kapa heba hona ho ke ke ha kgoneha, o se ke wa ama motho eo haese feela ka dintho tse sa tsamaisang motlakase - o se ke wa sebedisa tshepe kapa metale.
Ho hlaphola motho ho batla kwetlisa le ho hlakisa, kahoo etsa bonnete ba hore basebetsi ba hao ba fumana tjhoriso ya thuso ya pele ya motheo.
Ha e ba o le lerateng le lengata, ditsebe le ho utlwa di ka lematseha.
fokotsa lerata, mohl.
tlhokeho ya ho sireletsa bokgoni ba ho utlwa.
Hona ho ka ama matshoho le diatla (hangata ho tswa disageng tsa diketane le digraendara), kapa mmele kaofela (ho tswa diterekereng le diterakeng tsa dilift).
kganna ka lebelo le loketseng maemo a fatshe/mobung, o qoba dikoti, jj.
kgetha disebediswa tse thothomelang hanyenyane feela, mohl.
Ho pepesetswa maemong a lehodimo, haholoholo letsatsing kapa mohatseleng o moholo ho ka ba kotsi.
ha letsatsi le tjhesa haholo apara diaparo tse bobebe le katiba e lephephe le sephara - seka hlobola; tlotsa setlolo se nang le sesireletsa letsatsi se matla lettlalong le otlwang ke mahlasedi a letsatsi.
Hlokomela dihloba, dihlokofele kapa ho fetoha mmala letlalong, Eya ngakeng ha o bona o hlaha dihloba, jj.
Ho amana le diphoofolo ho ka baka bohloko bo bitswang zoonoses (bohloko bo fetang ho tswa phoofolong ho ya ho motho), mmoho le orf, ditlapedi, leptospirosis ho tswa dikgomong kapa ditwebeng. Matshwao a teng a fapana ho tswa ho bothata ba letlalo ho ya ho ho kang o tshwerwe ke flu e ka o kudisang nako e telele ha e sa phekolwe.
apara diaparp tse sireletsang tse kang dihaneskuno, moo ho hlokehang teng.
Ho pepesetswa dikhemikhale tse kotsi, kapa disebediswa tse ding, mohlala, dibolaya dikokonyana, meriana ya diphoofolo, (ho kenyelletsa di dip tsa dikhutshwane), lerole, mesi, kapa dintho tse kang seretse, mekedikedi e kang dikgwerekgwere kapa manyoro; ho hema mesi e tswang polasetiking e tjhang, kapa lerole le bang teng ha ha ho tloswa mabele, moitedi, mahlaka, jj; kapa ha o tshelwa ka ntho e bolayang dikokonyana kapa dipi ya dinku kaofela di ka baka ho kula.
Ka nako tse ding beng ba mesebetsi le batho ba itshebetsang ba tla tshwanela ho nehelana ka le ho nnetefatsa hore basebetsi ba sebedisa disebediswa tse sireletsang.
Mahloko a mang a bakwang ke mesebetsi a lokela ho tlalehwa Lefapheng la Mesebetsi.
<fn>DOL. OhsInSchools.2011-01-10.st.txt</fn>
Sebaka sa mosebetsi se na le tshusumetso e itseng bophelong bo botle le polokeho ya batho. Tsamaiso e fokolang ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing e ka etsa hore batho ba tshwarwe ke mahloko a itseng mesebetsing, ba tswe kotsi kapa ba shwe.
Ho hlokeha hore dikolo, dikholetjhe le diyunivesithi e be dibaka tsa mosebetsi tse nang le tikoloho e phetseng hantle ha eba di tla nehelana ka ditshebetso tse tswileng matsoho.
Tsamaiso e phethahetseng ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ke yona feela e tla etsa hore sena se fihlellwe.
Ho sebedisa disebediswa tse tla thibela batho hore ba se kule, kapa ba se itlalehe mosebetsing ka baka la bophelo bo fokolang, le ho toboketsa thuso ya ho fumantsha batho pheko hore ba kgutlele mesebetsing ho ka ba molemo haholo ho bobedi mothapi le mosebetsi.
Hore melemo ena e tle e fumanehe re lokela ho ba le ditikoloho tsa mesebetsi moo bophelo bo botle le polokeho di ntshetswang pele mme di sireletswa.
Ke mo/melao efe e amehang?
Molao wa Occupational Health and Safety Act, 1993.
Ke hobaneng ho na le mo/melao ya bophelo bo botle le polokeho?
Ke hobane bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ke ntho ya bohlokwa hoo ho nang le melao e tla re qosa bohle hore re se ke ra ipeha kapa ra beha batho ba bang kotsing. Hape Molao o teng ho sireletsa setjhaba dikotsing tsa mesebetsing.
Na molao wa bophelo bo botle le polokeho le nna o a nkama?
Ee, o ama dikolo, dikholetjhe le diyunivesithi kaofela.
Ke mang ya netefatsang ho sebetsa ha molao wa bophelo bo botle le polokeho?
Bahlahlobi ba Lefapha la Mesebetsi.
Bahlahlobi ba etsa eng ho bona hore molao wa phethahatswa?
Ba etela dibaka tsa mesebetsi ho bona hore batho ba phethahatsa melao. Ba etsa diphuputso ka diketsahalo tsa dikotsi le ditletlebo, empa haholoholo ba thusa bathapi le basebetsi ho utlwisisa seo ba lokelang ho se etsa.
Na dikolo, dikholetjhe le diyunivesithi di lokela ho ba le baemedi le dikomiti tsa bophelo bo botle le polokeho?
Moo ho nang le basebetsi ba fetang ba 20, ho tshwanetse ho ba le moemedi wa bophelo bo botle le polokeho, mme bonyane ho be le moemedi a le mong sehlopheng sa basebetsing ba 100 ka seng.
Moo ho nang le baemedi ba fetang bonngwe, ho lokela ho ba le komiti ya bophelo bo botle le polokeho.
Na diketsahalo di lokela ho tlalehwa?
Diketsahalo tse ding tse etsahalang dikolong, dikholetjheng le diyunivesithing kapa ha ho ntse ho phethwa mesebetsi ya thuto ka ntle ho sekolo di lokela ho tlalehwa ho Molekgotla Phethisi wa Profense profenseng ya hao. Sheba lenane bakeng sa nomoro ya mohala.
O ka fumana dintlha ka botlalo tsa diketsahalo tse lokelang ho tlalehwa karolong tsa 24 le 25 tsa Molao wa Occupational Health and Safety Act. Diketsahalo tse amanang le tshebediso ya dikgoka ha se tse tlalehwang ho Molekgotla Phethisi wa Profense.
Ke mefuta efe ya dintho tse fupereng kotsi tse ka bang teng dikolong, dikholetjheng le diyunivesithing?
ho pepesetswa dihlahiswa tse amanang le asbestose.
Ke etse eng ka dintho tsee tse fupereng kotsi?
Hang feela ha o lemohile dintho tsena tse fupereng kotsi, o di tlose kapa o foketse kotsi ya tsona. Ha eba ho sa kgonehe hore o di tlose, o tlise maemo a polokeho ho sireletsa batho dikotsing tse ka hlahiswang ke ntho tsena.
<fn>DOL. OhsInShoppingCentres.2011-01-10.st.txt</fn>
Na bophelo bo botle le polokeho di bolelang?
Di bolela ho thibela hore batho ba se tswe dikotsi mosebetsing kapa ba se kule ka ho nka mehato e nepahetseng le ho fuwa tikoloho ya ho sebetsa e kgotsofatsang.
Na bophelo bo botle le polokeho di a sebetsa ditsing tsa mabenkele?
Ee! Di sebetsa kgwebong tsohle, ekasitana le ho bao ba itshebetsang le ho basebetsi bohle.
Na menyetla ya ho thella le ho kgotjwa setsing sa mabenkele e mekae?
fuluru kapa dibaka tse ding tsa ho tsamaya tse sa lekaneng.
dibaka tsa fatshe tse sa lekaneng (ditepisi, karolwana ya patsi kapa lejwe e kengwang lemating kapa moahong).
Ka moo o ka thibelang ho wa ka baka la ho thella le ho kgotjwa?
tiisa ka ho kgomaretsa, kokotela, jj.
kenya di-bulb tse ntjha sebakeng sa tse seng di sebeditse di fedile mme o tjhentjhe le diswitjhi tse nang le phoso.
Na dibaka tsa ho jella di hlwekile hakae?
Ramosebetsi o lokela ho etsa bonnete ba hore o fana ka sebaka se tshwanelehileng bakeng sa ho boloka le ho sebedisa dijo.
Monga restjhurente o lokela ho etsa bonnete ba hore dintho tsohle tse sebediswang di bolokwa dibakeng tse hlwekileng ho netefatsa hore dijo tse bolokilweng kapa tse sebedisitsweng ditsing tsa mabenkele ha di be tse sa kgahliseng ka baka la mabenkele a potapotileng.
Ho bolokwa ha dijo ho lokelwa ho etswa feela dibakeng tse laetsweng.
Na ke tlhahisoleseding efe seo o lokelang ho ba le yona jwalo ka mosebetsi restjhurenteng?
O lokela ho tseba ka moo o tla tlaleha dikotsi tsohle le ka moo o ka etsang hona.
O tsebe sebaka le mokgwa wa ho fumana thuso ya pele.
O tsebe ho tlaleha dikotsi tsohle mme o bontshe ka moo o ka etsang hona.
O tsebe tokelo ya hao ya ho hana ho sebetsa sebakeng se sa bolokehang mmoho le mekgwatshebetso e ka bang kotsi ho wena.
O tsebe ka moo o ka sebedisang le ho hlwekisa disebediswa ka polokeho.
Mekgwa ya ho phahamisa disebediswa ka nepo.
O tshwanetswe ho hlalosetswa ka moo o ka balang dileibole tse dikhemikhaleng.
Moo ho behuweng dipampitshana tsa dintlha tse mabapi le polokeho ya methiriele le ka moo o ka di balang.
Ka moo o ka balang dileibole.
Ka moo o ka hlwekisang eng kapa eng e qhalehileng.
O lokelwa ho hlalosetswa mekgwatshebetso mme o bontshwe hore ditokomane di dula hokae.
Na di-lift di bolokehile hakae setsing sa mabenkele?
Automotive lift e lokelwa ho hlahlojwa le ho etswa diteko nako le nako.
Ramosebetsi o lokela ho boloka rekoto ya tlhokomelo, hlahlobo, ntjhafatso le tokiso ya automotive lift ka nngwe.
Tshebediso, hlahlobo, tokiso, tlhokomelo le ntjhafatso ya LIFT di lokelwa ho etswa ka ho ya ka ditaelo tsa mohlahisi kapa ditaelo tse ngotsweng tsa moenjinere wa profeshenale.
Na bahlahlobi ba sheba eng ha ba hlahloba setsi sa mabenkele?
Ho behwa ha methiriele ka mokgwa o sa nepahalang, mohlala, ka pela mamati a tshohanyetso kapa diphanele tsa motlakase, kapa moo e kwalang tsela kapa ditepesi.
Ho bokellana ha diphalli kapa kerisi fulurung.
Ho hloleha ho beha letshwao kapa sebedisa sa thibelo haufi le difuluru tse metsi.
Dithipa tse sa seheng.
Kgaello ya lebela disebediswa tse tswakang le disebediswa tse ding.
Kgaello ya ho bona mamating a ebeselang.
Tlhokomelo e fokolang ya di-trolley, dikariki, jj.
Lekola hore na ho latelwa mekgwatshebetso ya mosebetsi o bolokehileng.
Na sesebediswa se sehang nama se ntshitswe polakeng ha se hlwekiswa?
Na ho sebediswa ditlelafo ho tshwara matlakala?
Na ho sebediswa mekgwatshebetso e nepahetseng bakeng sa ho phahamisa dintho?
Na basebetsi ba tseba mekgwatshebetso ya ho sebetsa ba le bang?
Ka mora hlahlobo, ba NKA mohato!
Ba lokisa moo ho nang le dikotsi tse mpe haholo kapa mekgwa e sa bolokehang ya mosebetsi. Mohlala, ha o bona setepisi se na le lepolanka le sa tiyang kapa le senyehileng, se tlose ka potlako moo ho sebetswang hore se ilo lokiswa kapa ho kengwe se seng se setjha moo.
Hlophisa dikotsi tse ding ka ho ya ka tatellano ya tsona lenaneng e be o kgetha motho ya tla lokisa monyetla o ka bang kotsi ka mong.
Sala morao ketso efe kapa efe e tla hloka nako e itseng pele e ka qetwa (mohlala, ho rekwa ha sesebediswa se setjha).
Buisana le basebetsi ka seo o se fihletseng.
Mosebedisi e mong le e mong kapa mohirisi wa disebediswa tsa motlakase, ka ho ya ka moo ho ka etsahalang, ha a kotjwa, o tla tshwanela ho hlahisa setifikeiti se bontshang ho latela melawana ya tshebetso bakeng sa ho kengwa hoo ha disebediswa, mme sona a se bontshe mohlahlobi kapa mofepedi.
<fn>DOL. OhsInSmallBusinesses.2011-01-10.st.txt</fn>
Na lekala la bophelo bo botle le polokeho mesebetsing le sebetsa ka eng?
Ho na le melao e re qosang hore re se ipeha kapa ra beha batho ba bang kotsing.
Na melao ya bophelo bo botle le polokeho e sebetsa le ho dikgwebo tse nyenyane?
Ee, melao ya bophelo bo botle le polokeho e sebetsa dikgwebong kaofela, ho sa kgathallehe hore di nnyane hakae. E sebetsa le ho batho ba itshebetsang.
Ke molao ofe o sebetsang?
Wa Occupational Health and Safety Act, No. 85 wa 1993.
Ke mang ya jarang boikarabelo ba ho hlahisa le ho kenya tshebetsong melao ya bophelo bo botle le polokeho?
Lefapha la Mesebetsi le ikarabella tlhahisong ya melao ya bophelo bo botle le polokeho Afrika Borwa. Bahlahlobi ba kgethwa ke Lefapha la Mesebetsi ho kenya tshebetsong melao ya bophelo bo botle le polokeho.
Na bahlahlobi ba etsa eng?
Ba etela dibaka tsa mesebetsi ho tiisa hore batho ba boloka melao. Ba etsa diphuputso ka diketsahalo le ditletlebo. Ba thusa hape le ho etsa hore o utlwisisa seo o lokelang ho se etsa. Ba hatella melao ha ho na le ketsahalo ya ho ba kgahlano le melao e mpe.
Ho etswe eng ha ho hlahile kotsi mosebetsing?
Monga mosebetsi kapa motho ya itshebetsang o tshwanetse ho tlaleha diketsahalo ho Lefapha la Mesebetsi. Diketsahalo di tlalehwa hanghang, haholoholo ha di hlile di hlobaetsa kapa di tlalehwa matsatsing a 7.
Na bophelo bo botle le polokeho di taolong e kgotsofatsang mosebetsing wa hao?
Hore ho tle ho kenngwe tshebetsong mehato e laolang diketsahalo tse fupereng kotsi mesebetsing, ho lokela ho etswe 'Tekolo ya ho maemo a Kotsi' e le hore ho tle ho fumanwe tlhahisoleseding ka dikotsi tse ka hlahang mesebetsing. Ho ka kenngwa tshebetsong mehato e utlwahalang ho qoba ho hlaha ka kotsi.
'Tekolo ya ho maemo a fupereng kotsi' ke eng?
Ke ho hlahloba ka hloko ho re na ke eng tulong ya hao ya mosebetsi e fupereng mme e ka hlahisetsa batho kotsi.
Ke maemo afe ao ho ka thweng a ka fupara mme a baka dikotsi mesbetsing?
Ho thella mosebetsing.
Ho wa ho tswa bophahamong bo hodimo, mohl.
Mothapi kapa motho ya itshebetsang o na le boikarabelo ba ho nnetefatsa hore ha ho motho ya tswang kotsi kapa ya amehang jwalo ke diketsahalo tse etsahalang mesebetsing.
Basebetsi mesebetsing hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore ha ho motho ya lemalang ka baka la bohlaswa ba bona, kapa hona ho hloka tshebedisanommoho le monga mosebetsi.
<fn>DOL. Silicosis.2010-11-30.st.txt</fn>
Na ke eng eo basebetsi le boramesebetsi ba lokelang ho e tseba ka silikosese (silicosis)?
Na o tseba hakae ka silikosese?
Silikosese ke bolwetse ba matshwafo bo bobe haholo, bo o qetang bokgoni, bo ke keng ba busetswa morao mme ka dinako tse ding bo bolayang. Bo bakwa ke ho hema lerole le nang le di-crystalline tsa silika (silica) tseo o di hemang. Silika ke karolo e kgolo ya lehlabathe, lefika le di-mineral ore.
Ke ka baka lang ho hema lerole la silika ho leng kotsi?
Ho se sireletsehe leroleng le nang le dikarolwana tsa crystalline silica tse ka bonwang ka maekerosekopo, ho ka baka popeho ya lebadi la thishu matshwafong, le fokotsang bokgoni ba matshwafo ba ho ntsha oksejene moyeng oo re o hemang. Fibrosis (thuruho) e mpe haholo e ka baka ho shwa ka baka la mokgwa o sa lekanang wa ho hema le lefu la pelo bathong ba nang le silikosese e hatetseng pele kapa e rarahaneng haholo. Batho ba sa sireletsehang ho silika mosebetsing, kapa bao ba nang le silikosese, ba kotsing e kgolo ya lefuba la matshwafo. Silikosese e nang le lefuba kapa silico-tuberculosis ke sesosa se seholo sa ho shwa bathong ba sa sireletsehang ho silika nako e telele.
Na ho se sireletseha leroleng la silika ho etsahala hokae?
Lerole la silika le tswa ka nako eo ho sebetswang ka mafika, lehlabathe kapa konkereiti moo di tjhwatlwang ho ba dikarolwana tse nyenyane haholo. Ho thuba lehlabathe ke o mong wa mesebetsi e kotsi haholo moo lerole la silika le yang moyeng. Ho fiela sebakeng se ommeng kapa ho hleka lehlabathe kapa konkereiti, kapa ho sila kapa ho hlwekisa mafika ka moya o hateletsweng ho ka baka maru a maholo a lerole.
Na mosebetsi o tla tseba jwang hore o kotsing ya ho kenwa ke silikosese?
Basebetsi bohle ba sebetsang tikolohong e lerole e nang le lerole la silika ba ka kenwa ke silikosese. Silikosese e ka hlaha ka potlako haholo ha o sa sireletseha ho silika (Acute Silicosis) kapa ka potlako (Accelerated Silicosis) kapa butle (Chronic Silicosis). E ka rarahana ka baka la fibrosis e ka hlahang ka bongata kapa lefuba.
Na ke dibakeng dife tsa ho sebetsa moo o ke keng wa sireletseha kgahlanong le lerole la silika?
â— Tlhahisong ya sesepa le dihkwekisi tse ding.
Na ke afe matshwao a supang kgonahalo ya ho ba teng ha silikosese?
Silikosese e ka nka dilemo tse ngata e sa bonwe hore e teng, mme e ka ba dilemo tse 15 kapa ka hodimo ho moo haebe e boemong bo sa foleng mme hape e se mpe hoo e ka bakang bothata. Mosebetsi ya sa sireletsehang ho silika mme a na le lefuba a ka nna a ba le silikosese.
â— Mahlaba sefubeng.
Na o ka tseba jwang hore o na le silikosese?
Ha o tseba hore o ne o sa sireletseha leroleng la silika, o lokela ho ya tliliniking, sepetlele kapa ngakeng e tsebang ka mafu a o kenang o le mosebetsing. Hlahlobo ya bongaka e lokela ho kenyelletsa histori entle haholo ya tsa mosebetsing, di-X-rei tsa sefuba le diteko tsa ho bona ka moo matshafo a sebetsang ka teng ho bona hore na o na le silikosese.
Na o ka etsang ho thibela silikosese?
â— E ba le seabo mananeong a thupelo ya thibelo ya silikosese.
â— Etsa hore ramosebetsi wa hao a hlophise hore ho be le hlahlobo ya bongaka.
Na o ka ya hokae ha o na le silikosese, lefuba le amanang le silika kapa kankere ya matshwafo e amanang le silika, eo o e fumanang mosebetsing?
Iteanye le ba Ofisi ya Provense e haufi le wena ya Lefapha la Mesebetsi bakeng sa ho fumana dikeletso tsa ka moo o ka etsang kopo ya ditlhapiso ho tswa Letloleng la Ditlhapiso.
Na o ka etsang ha o batla ho tseba haholwanyane ka Silikosese?
Iteanye le ba ofisi e haufi le wena ya Lefapha la Mesebetsi kapa kena webosaeteng ya Lefapha ho www.labour.gov.
Silika e tsamaiswa ka ditshelo tse kengwang ditankeng bakeng sa tshebetso ya tlhahiso.
Lerole polanteng ena le ka bonwa ka ho hlaka le ama tjhebahalo ya setshwantsho.
Bakeng sa ho thibela silikosese, ho tshwanetswe hore ho nkwe mehato ya ho fokotsa maemo a lerole la silika.
Sebaka se seng se nang le kgonahalo ya kotsi ya lerole la silika ke sa Indasteri ya Kaho moo mesebetsi e jwalo ka ho thuba lehlabathe (sandblasting), ho epa dithanele (tunneling),ho bora mafika (rockdrilling), jack-hammering le powertool grinding ya dibaka tse fatshe tse nang le silika e etsahalang teng.
Kenya disebediswa tsa ho thusa ho hema nako le nako sebakeng sa ho sebetsa.
<fn>DOL. SilicosisPage.2010-10-04.st.txt</fn>
tseba ka silikosese (silicosis)?
Na o tseba hakae ka silikosese?
ke keng ba busetswa morao mme ka dinako tse ding bo bolayang.
ho hema lerole le nang le di-crystalline tsa silika (silica) tseo o di hemang.
ke karolo e kgolo ya lehlabathe, lefika le di-mineral ore.
Ke ka baka lang ho hema lerole la silika ho leng kotsi?
moyeng oo re o hemang.
silikosese e hatetseng pele kapa e rarahaneng haholo.
e kgolo ya lefuba la matshwafo.
ho silika nako e telele.
Na ho se sireletseha leroleng la silika ho etsahala hokae?
konkereiti moo di tjhwatlwang ho ba dikarolwana tse nyenyane haholo.
baka maru a maholo a lerole.
Silika e tsamaiswa ka ditshelo tse kengwang ditankeng bakeng sa tshebetso ya tlhahiso.
kenwa ke silikosese?
butle (Chronic Silicosis).
lerole la silika?
Tlhahisong ya sesepa le dihkwekisi tse ding.
ama tjhebahalo ya setshwantsho.
Na ke afe matshwao a supang kgonahalo ya ho ba teng ha silikosese?
hape e se mpe hoo e ka bakang bothata.
silika mme a na le lefuba a ka nna a ba le silikosese.
Na o ka tseba jwang hore o na le silikosese?
sepetlele kapa ngakeng e tsebang ka mafu a o kenang o le mosebetsing.
sebetsang ka teng ho bona hore na o na le silikosese.
maemo a lerole la silika.
Na o ka etsang ho thibela silikosese?
E ba le seabo mananeong a thupelo ya thibelo ya silikosese.
tse fatshe tse nang le silika e etsahalang teng.
Etsa hore ramosebetsi wa hao a hlophise hore ho be le hlahlobo ya bongaka.
kankere ya matshwafo e amanang le silika, eo o e fumanang mosebetsing?
Letloleng la Ditlhapiso.
Na o ka etsang ha o batla ho tseba haholwanyane ka Silikosese?
webosaeteng ya Lefapha ho www.labour.gov.
nako sebakeng sa ho sebetsa.
Department of Labour. Website: www.labour.gov.za<fn>DOL. WhatEveryWorkerShouldKnow.2011-01-10.st.
Tataiso ena e ngotswe ho tadinngwe bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi Afrika Borwa. Sepheo sa yona ke ho hlalosa molao ho bohle Afrika Borwa ba nang le seabo mabapi le bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing ka tsela e bonolo.
Seabo sa bahlahlobi ba Lephapha la Mesebetsi ba bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing se a hlaloswa. Mesebetsi le ditokelo tsa basebetsi, jwalo ka ha ba di nehilwe ke molao, di a pepeswa. Ho hlaloswa hape le seabo le boikarabelo tsa bathapi, bahlahisi ba disebediswa, bataki, batlisi ba thepa ho tswa mafatsheng a kantle, baabi ba disebediswa le barekisi mabapi le ho netefatsa polokeho le bophelo bo botle ba basebetsi. Mme qetellong ho hlakiswa mesebetsi ya baemedi le dikomiti tse sebetsanang le bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing.
Motho e mong le e mong ya ikarabellang phethahatsong o lokela ho etsa ka hohle kamoo a ka kgonang kateng ho netefatsa hore mesebetsi ya ba mo sebeletsang e hlahisitsweng molaong e phethahatswa ka tshwanelo.
Ho ya ka molao wa 'Occupational Health and Safety Act, 1993' bathapi ba lokela ho theha le ho tshwarella, kahohle kamoo ho ka kgonehang kateng, tikoloho ya mosebetsi e bolokehileng mme e se nang kotsi maphelong a basebetsi. Hona ho bolela hore mothapi o lokela ho netefetsa hore tulo ya mosebetsi ha e na dintho tse kotsi tse jwalo ka bensine, chlorine, le dikokwana tse nyenyane, thepa, disebediswa, ditshebetso, jj. tse ka lematsang, tsa senya kapa le hona h baka bohloko/ lefu le itseng. Ha eba sena se ke ke sa etsahala, mothapi o tshwanetse a tsebisa basebetsi ka dikotsi tsena, hore na di ka qojwa jwang le hore ba ka sebetsa jwang ba bolokehile, mme a nehelana ka ditsela tse ding tsa tshireletso bakeng sa ho etsa hore tikoloho ya mosebetsi e bolokehe.
Le ha ho le jwalo, ha ho a lebellwa hore mothapi e be yena feela a jarang boikarabelo bakeng sa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi. Molao o thehilwe hodima pehelo ya hore ho lokela hore ho be le dipuisano le tshebedisanommoho pakeng tsa mothapi le basebetsi mabapi le dikotsi tse mesebetsing. Mothapi le basebetsi ka mmoho ba lokela ho jara boikarabelo mabapi le bophelo bo botle le polokeho sebakeng sa mesebetsi. Mahlakore ana ka bobedi ba tshwanetse ho ba le ponelopele mme ba hlwaye ho leng kotsi ba be ba hlahise mekgwa eo kotsi tsena di ka laolwang ka yona. Ka tsela e tjena, bathapi le basebetsi ba kena tshebetsong eo baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba ka tla hlahloba sebaka sa mosebetsi kgafetsa mme ba tlalehela komiti ya bophelo bo botle le polokeho, eo le yona e ka nnang ya etsa ditlhahiso tse itseng ho mothapi.
Ho netefatsa hore tshebetso ena e beha ditholwana mosebetsi e mong le e mong o tshwanetse hore a tsebe mosebetsi le ditokelo tsa hae tse lokodisitsweng Molaong.
Molao, o tsejwang ka ho re ke Occupational Health and Safety Act, 1993 (Molao wa 85, wa 1993), mme o tla bitswa Molao tokomaneng ena, o na le dikarolo tse 50 tse amohetsweng ke Palamente. Sepheo sa Molao ke ho nehelana ka bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing kapa mabapi le tshebediso ya plante le metjhini. O nehelana hape le ka tshireletso ho batho ba bang ntle le ba sebetsang mabapi le dikotsi tse ka nnang tsa ba hlahela ha basebetsi ba ntse ba sebetsa. Lefapha la Mesebetsi le phatlalatsa melawana ya taolo e fapaneng, ka dihlooho tse itseng tse amanang le Molao nako le nako.
Molao le melawana ya taolo di ka rekwa ho Bahatisi ba ditokomane tsa Mmuso ka sebopeho sa Gazette kapa e le tokomane e bokelleditsweng mme ya tlangwa ho tswa ho bahatisi ba fapaneng.
Molao wa Occupational Health and Safety o phethahatswa ke Mookamedi ya ka sehloohong wa tsa Bophelo bo botle le Polokeho Mesebetsing wa Lefapha la Mesebetsi.
Ho thehilwe dikantoro tsa ena diprofenseng kaofela ho netefatsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing,. Mme ho ntshetsa pele tshebetso, bahlahlobi ba bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi mesebetsing ba tswang dikantorong tsa diprofense ba ya mesebetsing ho ya hlahloba le ho etsa diphuputso.
Ditlhahlobo hangata di ralwa ho ya ka dipalopalo tse amang diketsahalo tsa dikotsi, ho ba teng ha disebediswa tse kotsi, tse jwaloka tshebediso ya bensine moo diphahlo di hlatsuwang teng, kapa ho sebediswa ha metjhini e kotsi mesebetsing. Ho hlahlojwa ho sa ralwang, ka letsohong le leng, ho tliswa ke dikopo kapa ditletlebo tse tswang ho basebetsi, bathapi kapa setjhaba ka kakaretso. Ditletlebo le dikopo tsena di sebetswa ka tsela e lekunutu e sireletsehileng.
Ha eka maemo a hlile a bidietsa ho hlaha ha kotsi, mohlahlobi a ka thibela ketso, tshebetso tse itseng. kapa a thibela tshebediso ya metjhini kapa aparethase e itseng ka ho nehelana ka tsebiso ya thibelo. Ha ho motho le ya mong ya lokelang ho iphapanya dikahare tsa tsebiso ena, mme bohle ba lokela ho ikamahanya le yona hanghang.
Ha eba ho ka ba le kgahlano le molawana wa taolo mohlahlobi a ka nehelana ka tsebiso ya ho ba kgahlano le mothapi kapa basebetsi. Ho ba kgahlano le Molao ho ka lebisa qosong hanghang, empa moo ho nang le kgahlano le molawana wa taolo mothapi a ka nehwa sebaka sa ho lokisa tshebetso e sa yeng ka tsela nakong e itseng e boletsweng tsebisong, eo hangata e leng matsatsi a 60.
Moo mehato ya bophelo bo botle le polokeho e tlisitsweng ke mothapi e sa sireletse bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ka tsela e kgotsofatsang, mohlahlobi a ka laela mothapi ho nka dikgato tse phethahetseng mabapi le taba ena. Ebe mothapi o tla nehwa tsebiso ya ntlafatso e hlakisang ditsela tsa ho ntlafatsa maemo.
Ha mohlahlobi a ntse a phetha mosebetsi wa hae, a ka nna a kena sebakeng sa mosebetsi kapa moo ho sebediswang metjhini kapa dintho tse kotsi mme a hloma batho dipotso, kapa a bitsa batho ba itseng ba tlo hlaha ho yena. Mohlahlobi a ka kopa hore a nehwe ditokomane tse itseng, a fuputse kapa a etse dikhopi tsa ditokomane mme a batle hlakisetso ka eng feela e itseng e ngotsweng moo. Mohlahlobi a ka nna a hlahloba maemo afe feela kapa atikele mme a nka sampole ya yona, kapa a nka eng feela eo a ka e sebediswang e le bopaki.
Hlokomela: Matla a boletsweng ka hodimo a bahlahlobi ha a bolele hore bahlahlobi ba na le matla whole. Motho ofe kapa ofe ya sa dumellaneng le qeto e nkuweng ke mohlahlobi a ka ipiletsa kgahlano le qeto eno ka ho ngolla The Chief Inspector, Department of Labour, Private Bag X117, Pretoria. 0001.
Ke eng seo mothapi a lokelang ho se etsa ho tiisa hore tikoloho ya mesebetsing e bolokehile mme ha e na kotsi mabapi le bophelo bo botle ba basebetsi ba hae?
Mothapi o tshwanetse ho hlokomela hore ho be le disebediswa tse hlokehang ho etsa mosebetsi, le hore di maemong a bolokehileng, mmoho le ditshebetso tsohle tseo mosebetsi o lokelang ho etswa ho ya ka tsona, mme tsohle di be maemong a ke keng a ama bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi hampe. Pele ho ka sebediswa dintho tse sireletsang mmele wa motho, mothapi o tshwanetse ho re a tlose kapa a foketse kotsi e ka amang bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi pele. Ke feela ha sena se ke ke sa kgoneha moo ho ka sebediswang disebediswa tse sireletsang mmele wa motho. Mothapi o tshwanetse ho nka mehato ho boloka bophelo bo botle ba basebetsi le ho ba sireletsa dikotsing tse ka hlahang ha thepa kapa dihlahiswa di ntshuwa, di sebetswa le ho sebediswa, di tshwarwa, di bolokwa, kapa di tsamaiswa ho iswa nqe nngwe, ka mantswe a mang, eng kapa eng feela eo basebetsi ba ka e thetsang mosebetsing.
nehelana ka tsebo, ditaelo, kwetliso le taolo tse hlokehang, a ntse a hopotse bokgoni ba basebetsi ba ho phetha mosebetsi.
mosebetsi ya jwalo o lokela ho netefatsa hore mehato ya polokeho e kenngwa tshebetsong mme e dula e etswe hloko ka nako tsohle.
Mothapi o lokela ho nnetefatsa hore mosebetsi e mong le e mong o a tseba mme o utlwisisa ka botlalo dikotsi tse ka amang bophelo bo botle le polokeho ya hae mosebetsing ofe le ofe o etswang, nthong efe feela e hlahiswang, e sebetswang, e sebediswang, e bolokwang, e tshwarwang kapa e tsamaiswang ho ya nqe nngwe kapa ekhwipmente kapa metjhini efe feela e sebediswang. Mothapi kahoo o lokela ho fana ka tlhahisoleseding mabapi le mehato ya polokeho e lokelang ho elwa hloko mabapi le dikotsi tseo.
Mothapi o tshwanetse ho tsebisa baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ha mohlahlobi a mo tsebisa ka ditlhahloho le diphuputso tse tla etswa sebakeng sa mesebetsi. Mothapi hape o tshwanetse ho tsebisa baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ka kopo ya ho se kenyelletswe molaong e entsweng kapa ho tlohelwa/ ho behwa kantle hoo a ho nehilweng mabapi le dipehelo tsa Molao. Ho tlohelwa kapa ho behwa kantle ho bolela ho se kenngwe ha ho tadinngwe dipehelo tse itseng tsa Molao, melawana ya taolo, ditsebiso kapa ditaelo tse hlahisitsweng tse amanang le Molao.
Mothapi o tshwanetse ho tsebisa baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ka potlako kamoo ho kgonehang kateng ha ho hlaha ketsahalo sebakeng sa mosebetsi. Ka ketsahalo ho bolelwa ho itseng ho hlahang mosebetsing mme ebe motho o a bolawa, o hlaha kotsi kapa a kule. Hape ke ho tsholoha ha dikhemikale tse kotsi, mohlala, ha tanka e dutla formalhyde (khemikale e itseng e sebediswang indasetering) ka baka la velofo e nang le phoso, kapa moo metjhini o tswang taolong, empa o sa bolaye kapa ho ntsha motho kotsi.
se lokelang ho etswa ha eba kotsi e ka hlaha.
Ha motho ya rekiseditsweng/ abetsweng thepa kapa sehlahiswa a ngola mme a hlahisa maikemisetso a hae a hore o tla nka mehato e itseng ho etsa hore thepa/sehlahiswa se dumellane le dipehelo kaofela tse behilweng, se tla bolokeha mme se ke ke sa ba kotsi bophelong bo botle, mesebetsi ya ba tlisang thepa e tswang mafatsheng a kantle, bataki, barekisi, ba abang dihlahiswa kapa bahlahisi ba tsona e tla be e etswa ke motho ya nkang boikarabelo ba ho phethahatsa mehato ena.
hlokomela polokeho le bophelo bo botle ba hae, hammoho le ba batho ba bang ba ka angwang ke diketso kapa bohlaswa ba hae. Hona ho kenyelletsa ho bapala mosebetsing.
ha a ile a ameha kotsing e ka nnang ya ama bophelo bo botle ba hae kapa ya mo lematsa, tlaleha kotsi eo ho monga mosebetsi, motho wa molao kapa ho moemedi wa bophelo bo botle le polokeho ka potlako kamoo ho kgonehang, empa eseng kamora shifte eo.
maemo a amanang le polokeho le bophelo bo botle ao monga mosebetsi a lokelang ho a theha mosebetsing.
the procedures that must be followed if a worker is exposed to substances hazardous to health.
Mosebetsi a ka kopa hore ngaka ya hae ya poraefete e hlahlobisise direkoto tsa hae tsa phekolo le pepeso (exposure).
Ha mosebetsi e le moemedi wa bophelo bo botle le polokeho a ka nna a etsa diphuputso mme a ngola fatshe ditshitshinyo tsa hae mabapi le ditlaleho tsa tlhahlobo le pepeso.
Ha mosebetsi e le moemedi wa bophelo bo botle le polokeho a ka nna a felehetsa mohlahlobi wa bophelo bo botle le polokeho wa Lefapha le Mesebetsi ha enwa a hlahloba sebaka sa mosebetsi mme a araba dipotso tsohle tse tla botswa ke mohlahlobi.
Mosebetsi a ka etsa ditlhahiso kapa a isa dingongoreho balebana le molawana ofe feela kapa maemo a polokeho a thehilweng ho dumellana le molao wa Occupational Health and Safety Act.
mosebetsi a ile a etsa se batlwang ke molao, mohl. thibelo, tsebisa ya ho ba kgahlanong, jj.
mosebetsi o fane ka bopaki pela Lekgotla la Mesebetsi kapa pela Lekgotla la Molao ka taba e amang bophelo bo botle le polokeho.
Mosebetsi o na le tokelo ya ho ipiletsa kgahlano le qeto ya mohlahlobi. Boipiletso bo ngotsweng bo romelwe ho Chief Inspector, Occupational Health and Safety, Department of Labour, Private Bag X117, Pretoria, 0001.
Ha ho motho ya lokelang ho itswakatswaka kapa a sebedisa ka tsela e sa lokelang, thepa efe feela eo ho nehelanweng ka yona lebitsong la bophelo bo botle le polokeho. Ho tea mohlala, motho ha a lokela tlosa sesireletsi sa polokeho motjhining ebe o sebedisa motjhini kapa o dumella motho e mong ho sebedisa motjhini ntle le sesireletsi seno.
Ho bolelwang ka baemedi ba bophelo bo botle le polokeho?
Ke basebetsi ba sebetsang ka nako tsohle ba thontsweng kapa ba kgethilweng mme ba behwa semolao setulong seno ke mothapi kamora dipuisano pakeng tsa mothapi le basebetsi, mme ha fihlellwa qeto ya hore ke mang ya tla ba moemedi wa bophelo bo botle le polokeho. Bonyane ba tshwanetse hore ba tsebe maemo le tikoloho ya mosebetsing mono moo ba tlo sebetsa teng. Ho tlameha hore ho fihlellwe le tumellano ya ho re na Baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba tla dula ofising nako e kae le hore mesebetsi ya bona ke efe, mme tsena di amohelwe ke mothapi le basebetsi.
Ho lokela ho ba le baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba bakae?
Ho tshwanetse ho be le moemedi wa bophelo bo botle le polokeho a le mong sebakeng sa mosebetsi moo ho nang le basebetsi ba 20 kapa ho feta. Kahoo, moo ho nang le basebetsi ba 19 feela ha ho hlokehe hore ho be le moemedi.
Ntlheng ya mabenkele le dikantoro, ho tshwanetse ho be le moemedi a le mong bakeng sa basebetsi ba 100 kapa karolo ya teng. Mohlala, moemedi a le mong o lokela ho behwa bakeng sa basebetsi ba 21 ho ya ho 100. Empa ho be le baemedi ba 2 bakeng sa basebetsi ba 101 ho ya ho 200, jj.
Dibakeng tse ding tsa mosebetsi, ho lokela ho ba le moemedi a le mong bakeng sa basebetsi ba 50 kapa karolo ya bona. Mohlala, moemedi a le mong o lokela ho behwa bakeng sa basebetsi ba 21 ho ya ho 50. Empa ho be le baemedi ba 2 bakeng sa basebetsi ba 51 ho ya ho 100.
Ho ya ka hore na maemo a jwang, mohlahlobi a ka sisinya hore ho be le baemedi ba bang hape, le ha e le hore palo ya basebetsi e ka tlase ho 20. Mohlala, sebopeho sa indaseteri kapa plante se ka ba ka tsela eo eleng hore moemedi a le mong basebetsing ba 50 ha a lekane. Mohlahlobi a ka batla hore ho be le baemedi ba bang hape. Le ha ho le jwalo, ebang mothapi le basebetsi ba dumellana, ho ka nna ha kgethwa baemedi ba fetang palo e balletsweng ya bona.
Na baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba ka kgethwa neng?
Nakong ya dikgwedi tse nne kamora ho qaleha ha kgwebo ya mothapi. Ha ho hlokehe hore ra/mamosebetsi ya nang le basebetsi ba fetang ba 20, eo kgwebo ya hae e sebeditseng sebaka se ka tlase ho dikgwedi tse nne a thonye moemedi. Moo ho etsahalang hore, mohlala, ho hirwa basebetsi ho ya ka dihla tsa selemo seka mapolasing, mme hona ho etsa hore palo ya basebetsi e fete 20 ka nako e ka tlase ho dikgwedi tse nne, ho thonya moemedi le teng ha ho hlokehe.
Na baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba lokela ho phetha mesebetsi ya bona neng?
Mesebetsi yohle e amanang le ho beha setulong, ho sebetsa le ho kwetliswa ha baemedi ho lokela ho etswa nakong ya dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi.
Na baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba ka etsang?
Baemedi ba tshwanetse ho ba teng dikopanong tsa komiti ya bophelo bo botle le polokeho.
Na sepheo sa komiti ya bophelo bo botle le polokeho ke sefe?
Maloko a kopana ka morero wa ho qala, ho ntshetsa pele, ho boloka le ho boela o tadima mekgwa ya ho tlisa polokeho le bophelo bo botle ba basebetsi.
Komiti ya bophelo bo botle le polokeho e lokela ho thehwa neng?
Bonyane ho tshwanetse ho be le komiti e le nngwe ha e ba ho thontswe baemedi ba babedi kapa ba bararo.
Komiti ya bophelo bo botle le polokeho e lokela ho ba le maloko a makae?
ha eba ho entswe dikomiti tse pedi kapa ho feta mosebetsing, moemedi e mong le e mong o tshwanetse hore e be leloko la bonyane e le nngwe ho dikomiti tsena tse pedi.
Kahoo, moemedi ka mong o tshwanetse ho ba leloko la komiti. Mothapi a ka nna a kgetha batho ba bang ho mo emela komiting, empa batho bao ha ba tshwanela ho feta palo ya baemedi ba leng teng komiting eo. Le ha ho le jwalo, ha mohlahlobi a le mohopolong wa ho re palo ya dikomiti sebakeng sa mosebetsi ha e a lekana, a ka nna a hlahisa hore ho thehwe dikomiti tse ding tsa tlatsetso.
Na baemedi ba bophelo bo botle le polokeho ba kopana kgafetsa hakae na?
Ba kopana neg kapa neng ha ho hlokeha, empa bonyane, hanngwe kgweditharong e nngwe le e nngwe. Komiti e tla qeta ha nako le sebaka. Empa ha, ha 10% kapa ho feta ya basebetsi ba kopile kopano ho mohlahlobi, mohlahlobi a ka laela hore kopano eo e tshwarwe ka nako eo a tla e bolela le tulong eo a tla e hlahisa.
Ke mang ya tla etsa qeto ka tsamaiso ya kopano?
Maloko a komiti a tla kgetha modulasetulo mme a lekanya hore o tla dula setulong sebaka se sekae, tsamaiso ya kopano, jj.
Na komiti ya bophelo bo botle le polokeho e ka ya botsa ditsebi bakeng sa ho fumana keletso?
Ee, dikomiti di ka nna tsa thonya batho ba bang e le maloko a boeletsi ka baka la tsebo ya bona le boiphihlelo ditabeng tsa bophelo bo botle le polokeho. Empa he, leloko la boeletsi ha le na tokelo ya ho vouta.
Na dikomiti tsa bophelo bo botle le polokeho di etsang?
Dikomiti di sebetsana feela le ditaba tsa bophelo bo botle le polokeho mesebetsing kapa dikarolo tsa bophelo bo botle le polokeho tseo dikomiti tsena di di thehetsweng.
Komiti e lokela ho etsa ditshisinyo ho mothapi ka bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi.
Malokoa komiti a lokela ho phetha mesebetsi efe kapa efe feela eo ba laetsweng ho e phetha ka molao.
Mothapi ha a lokela ho fokotsa moputso wa mosebetsi mabapi le eng eo a lokelang ho e etsa ntshetsopeleng ya bophelo bo botle le polokeho jwalo ka ha ho hlahisitswe Molaong.
Ha ngaka e hlahloba kapa e phekola motho e mong mabapi le bohloko boo e nahanang hore mokudi o bo thotse sebakeng seo a sebetsang ho sona, ngaka e lokela ho tlaleha taba ena ho mothapile ho Mohlahlobi e Moholo.
Bathapi le basebetsi ba lokela ho ikamahanya le ditaelo, ditaelo tsa ho tla hlaha kgotla, dikopo kapa melao ya bahlahlobi. Ho tlatselletsa, ho se be le motho ya thibelang e mong ho mamela le ho ikamahanya le tse boletsweng ka hodimo.
Dipotso tsa mohlahlobi di lokela ho arajwa, empa ha ho motho ya qobellwang ho araba potso eo a bonang hore a ka itshwasa ho yona. Ho itshwasa ho bolela hore motho o akanya hore o entse tlolo ya molao.
Ha mohlahlobi a rata jwalo, o lokela ho nehwa ditsela tse hlokehang mme a fuwe thuso eo a ka e hlokang ha a etsa diphuputso. Mohlahlobi a ka kopa hape hore batho ba itseng ba tla mo thusa ka ho fuputsa ba be teng dipatlisisong. Ha ho motho ya nang le tokelo ya ho hlapaola mohlahlobi kapa a sitisa diphuputso ka boomo.
mosebetsi o entse hoo kantle ho tikoloho ya mosebetsi wa hae, ka mantswe a mang, mosebetsi o entse ntho eo a neng a tseba ka botlalo hore o ne a sa lokela ho e etsa.
Tsena tse boletsweng kahodimo di boetse di ama ya fuweng matla ke mothapi, mohlala, eo ho thweng ke subcontractor, ntle le haeba mahlakore ka bobedi a dumellane pejana tokomaneng e ngotsweng hore ya hirilweng ke mothapi o tla ikamahanya jwang le dipehelo tsa Molao.
Mohlahlobi wa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi wa Lefapha la Mesebetsi o ile a fumana silindara ya gase e ikemetse e le nngwe ho ena le hore ebe e ne e tlamelletswe leboteng kapa palong ha a ntse a hlahloba.
Bahlahlobi ba Lefapha ba fuputsa ho wela ha borogo ba Coega moo ho ileng ha shwa batho ba babedi mme ba 23 ba tswa kotsi.
Diaparo tsa tshireletso di aparwa feela ke batho ba babedi mme motho wa boraro o sebetsa tikolohong yona eo a sa kenya maske o sireletsang nko.
Sireletsa mmele wa hao ka ho apara diaparo tsa tshireletso tse balletsweng ka nako tsohle, hloohong, matsohong, mmeleng le maotong, jj.
Silindara ya gase e ile ya qhoma ka baka la mollo.
Mohlala wa ho sebedisa scaffolding ka tsela e kotsi mme e sa amoheleheng ho hang feela.
Ho theha maemo a fupereng kotsi sebakeng sa dipaka tse pedi ho ena le tse hlano jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong.
Ho pakella thepa ho etswe ka tsela eo ho ke keng ha ba le kotsiho mosebetsi ofe kapa ofe.
Na o ne o tseba hore ho bolokehe ha tsela ya dithapo/dikheibolo empa e le o mong wa mesebetsi ya mohlahlobi wa bophelo bo botle le polokeho?
Lemati la ho phonyoha ka tlokotsi/tshohanyetso ha le a lokela ho thijwa ke letho kapa ho notlelwa jwalo ka lena.
An emergency escape door should never be cluttered and locked as this one.
Sebaka seo ho shweleng batho ba 11 ka ho tjha ho se na tsela eo ba ka balehang ho qoba mollo hobane mosebetsing ho ne ho notletswe ho tsa kantle.
<fn>DynamicAction.txt</fn>
Re thabela ho ba le lona bosiung bona ba bohlokwa hakana.
Ke eme ka pele ho lona bosiung bona, dilemong tse 20 ho tloha ha Mopresidente Nelson Rolihlahla Mandela a ne a tswa kgolehong.
Re kgethile letsatsi lena e le la ho bitsa Palamente ya Kopanelo ho etsa puo e mabapi le Maemo a Setjhaba, ho keteka motsotso ona wa bohlokwa o fetotseng naha ya rona.
Ho lokollwa ha Madiba ho tlisitswe ke boitseko bo matla ba batho ba Aforika Borwa. Batshwaruwa ba dipolotiki ba mehleng le mekaubere e teng kwano e bile dipaki tsa seo hobane e ne le karolo ya taba eo.
Le tla hopola e le ka nnete hore boholo ba batho naheng ena, ka mekgahlelo e fapaneng, bo ile ba arabela ka maikemisetso kgoeletso ya ho hlokisa naha botsitso le ho etsa bonnete ba hore kgethollo ha e sebetse.
Re keteka letsatsi lena le batshwaruwa ba mehleng ba dipolotiki bao re ba memmeng ka ho ikgetha hore ba be le rona.
Re thabetse hore ditho tsa moifo wa molao wa nyewe ya Bohlabaphio ya Rivonia di be le rona; Lord Joel Joffe, ya seng a ahile London le Moahlodi Arthur Chaskalson.
Hape re hopola le ho lebisa hlompho ho Mongahadi Harry Schwarz, ya hlokahetseng beke e fetileng.
Re isa diteboho ho metswalle le bomphato ba matjhabeng, bakeng sa ho thusa ntweng ya rona ya ho fihlella tokoloho.
Re isa kamohelo e ikgethang ho lelapa la ha Mandela.
Lelapa lena e bile letshwao la ho intsha sehlabelo ho bohle ba utlwileng bohloko ka kgethollo. Re isa madume ho boetapele ba mokga o busang le bomphato ba bona, bao ho bona morero ono e leng wa bohlokwa ka tsela e ikgethang.
Letsatsing lena le ikgethang, re boetse re lokela ho ananela nyehelo ya boetapele ba National Party, bao qetellong ba ileng ba lemoha hore kgethollo ha e na bokamoso.
Ntumelleng hore ke hlahise karolo e bapetsweng ke Mopresidente wa mehleng PW Botha.
Ba bapetse karolo ya bohlokwa tseleng e neng e isa tokolohong ya Madiba.
Aforika Borwa e sa ntse e tla ananela ka botlalo, karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke Moporesidente wa mehleng wa ANC, wa Mphato Oliver Tambo, ya entseng motheo wa hore naha ena e be mohlala o motle wa tokoloho le demokerasi.
Ke boetapele ba hae bo hlwahlwa, tjhebelopele le pono e hlakileng tse entseng hore ANC e matlafatse tsela ya ditumellano tsa ditherisano.
Bohlale ba hae bo bonahetse tumellanong ya Harare, eo a e ngotseng le ho e etella pele.
Letsatsing lena le le holo, e re ke boele ke ananele karolo e bapetsweng ke mofu Mofumahadi Helen Suzman. Ke ka nako e telele, e le lentswe la hae feela palamenteng, le neng le lwanela diphethoho.
Re boela re ananela karolo ya Moetapele wa Inkatha Freedom Party, Morena Mangosuthu Buthelezi, eo le yena a lwanetseng ho lokollwa ha Madiba, le tokoloho ya batshwaruwa ba bang ba dipolotiki le ho kgutla ha babalehi ba dipolotiki.
Re sa boela re phetha ho leboha ho tloha botebong ba dipelo tsa rona ba dinaha tsa matjhabeng bakeng sa tshehetso ya bona e sa thekeseleng ntweng ya rona.
Dinako tsena tsa histori ya rona di bontsha bokgoni ba rona ba ho ipopa, le ka tlasa mathata a maholo, le ho beha ditabatabelo tsa naha ka pele ho ditabatabelo tse ding tsohle.
Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Selemong sena se hodimo, re tla tshwaya dilemo tse lekgolo tsa ho thehwa ha Kopano ya Aforika Borwa, e thehilweng ka 1910.
Sena se ile sa tswala mmuso o kopaneng.
Sa bohlokwa ke hore, ho qhelelwa ka thoko ha batho ba batsho. Kopanong ena e bile le leng la mabaka a maholo a hore Mokgatlo wa African National Congress o thehwe ka 1912.
Ha re tla be re tshwaya dilemo tsena tse lekgolo selemong sena, re lokela ho thuhisa le ho hopola tsela eo re e tsamaileng jwaleka naha.
Ke eme ka pele ho lona, e seng jwaloka moporofeta empa jwaloka mosebeletsi ya ikokobeditseng wa lona, setjhaba.
Boikitlaetso ba lona bo se nang ho lekanngwa ke bona bo entseng hore ke be mona kajeno.
Ha ho le jwalo, ke beha dilemo tse setseng tsa ho phela ha ka matsohong a lona.
Mantswe ana a re kgothatsa hore re se ke ra phomola ho fihlela re fihlella ditabatabelo tsa ho ba setjhaba se lokolohileng bofumeng le bohloking.
Dilemong tse mashome a mabedi e sa le Madiba a lokollwa, naha ya rona e fetohile haholo.
opresidente Mandela o kopantse naha ena ka sepheo sa ho re e hloke kgethollo ka bong, ka botjhaba, mme e be naha ya demokerasi le Aforika Borwa e tswetseng pele.
Kajeno ha re keteka tokoloho ya Madiba, ha re itlameng hore re tla aha bokamoso bo betere bakeng sa maAfrika Borwa oohle, ba batsho le ba basweu.
Ha re latelleng toro ena ya Madiba ya e lwanetseng bophelo ba hae bohle, toro ya setjhaba sa demokerasi se lokolohileng , moo batho ba phelang mmoho ka kutlwano le menyetla e lekanang.
Re bitsitse kopanelo ena ya palamente bosiu hore bongata ba batho ka naheng, basebetsi le bana ba dikolo, e be karolo ya morero ona.
Re kgahlisitswe ke morolo o bontshitsweng ke batjha ka morero ona. Bana ba 206 ba tswang diprovenseng tsohle ba bile teng dingangisanong tsa mantlha tse etellang pele puo e mabapi le Maemo a Setjhaba bakeng sa karolo eo batjha ba ka e bapalang twantshong ya bofuma.
Re kopana kamorao ho maemo a thekeselang a moruo wa lefatshe.
Ngwahola, re bile le maemo a mabe a moruo lekgetlo la pele dilemong tse 17. Maemo ana a mabe a moruo a entse hore re lahlehelwe ke mesebetsi e 900 000.
Boholo ba bao ba lahlehetsweng ke mesebetsi e ne e le bona ba jereng malapa a futsanehileng.
Selemong se fetileng ka Hlakola, mmuso, dikgwebo, baemedi ba basebetsi le baahi ba ile ba dumellana ka sehlopha sa mekgwa ya ho fokotsa sekgahla sa maemo ana a mabe a moruo.
Re kentse bongata ba mekgwa ena tshebetsong.
Re kentshe tshebetsong mekgwa e matla kgahlanong le maemo a mabe a moruo jwaloka mmuso ka ho kgina metheo ya setjhaba.
Bakeng sa ho bebofatsa mathata a bafutsanehileng, re potlakisitse ho nyollwa ha ditjhelete tsa letlole la thuso la tshehetso ya bana, mme ra eketsa dilemo tsa bana ba lokelang ho fumana tshehetso ya tjhelete ya thuso ka ho kenyeletsa le bana ba dilemo tse ka hodimo ho tse 14. Dilemong tse tharo tse tlang, bana ba tlatsetso ba dimilione tse pedi ba tswang malapeng le matlong a futsanehileng, ba dilemo tse 15 ho ya ho 18, ba tla una molemo letloleng la thuso ya tshehetso ya bana.
Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e beheletse ka thoko dibilione tse tsheletseng tsa diranta ho thusa dikhamphani tse tlokotsing.
Mmuso o tlile ka leano le bitswang "sekema sa thupello" bakeng sa ho fa basebetsi nako ya kwetliso ho na le hore ba fokotswe mosebetsing.
Mekutu ena e ile ya phahamiswa ke Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba la rona.
Setjhaba se tla hopola hore Puong ya Maemo a Setjhaba ka 2009, ke ile ka tsebisa hore Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi le tla hlahisa menyetla ya mesebetsi e 500 000 ka Tshitwe 2009.
Ena ke menyetla ya mesebetsi e hlahisitsweng ho fana ka menyetla ya mosebetsi ho batho ba sa sebetseng hore ba be le lekeno la tjhelete, le hore ba thole boiphihlelo le menyetla ya thupello.
Re thabela ho tsebisa hore mafelong Tshitwe, re hlahisitse menyetla ya mesebetsi e 480 000 ya mesebetsi ya setjhaba, seo e leng 97% ya seo re neng re se rerile.
Mesebetsi ena e dikarolong tse kang tsa ho aha, tlhokomelong tsa malapa le tsa baahi, le diporojekeng tsa tikoloho.
Re hlwaile dibaka tse itseng tsa ntlafatso, tseo re tla sebetsanang le tsona ho ya pele ho kenyeletsa le diporojeke tse batlang basebetsi ba bangata.
Re ya tseba hore tsena le mekutu e meng di ke ke tsa lwantshana le sefutho sa ikonomi e putlameng.
Re lebohela moya o motle wa lelapa, boahi le mosebetsi wa boithaopi o bontshitsweng ke batho ba ba ngata bakeng sa ho thusa bao ba anngweng ke tlokotsi ena, hara dinako tsena tse boima.
Matshwao a ikonomi a bontsha hore re batla re bona ntlafalo ya maemo.
Maemo a ikonomi a a ntlafala Aforika Borwa, mme re lebeletse kgolo ya moruo ho ya pele.
Dipalopalo tsa basebetsi tse lokollotsweng ka Labobedi, di bontsha hore ha jwale ikonomi e hlahisa mesebebetsi ho fapana le ho e fokotsa.
Le ha ho le jwalo, e sa le kapele haholo hore re ka netefatsa sekgahla seo ikonomi e nyolohang ka sona.
Mmuso le ha ho le jwalo o ke ke wa hula mekutu ya ona ya tshehetso. Jwale ke nako ya ho etsa motheo bakeng sa kgolo e matla ho ya pele, le kgolo e tla tswala mesebetsi e mengata.
Lenaneo la rona la nako e telele la motheo wa setjhaba le tla re thusa ho hola ka potlako.
Thuto ya rona le mananeo a bokgoni di tla phahamisa tlhahiso le hlodisano.
Leano la rona la Tshebetso ya Indaseteri le ho tsepamisa maikutlo ho mesebetsi e bolokehileng ya temo bakeng sa tikoloho, di tla aha dindaseteri tse ngata le tse matla bakeng sa ho hohela basebetsi. Lenaneo la rona la ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le tla ntlafatsa tlhahiso ya mahaeng, le maphelo a baahi ba metseng ya mahae.
Seo e leng sa bohlokwa mawaleng a rona a ho hodisa le ho tsoseletsa moruo, ke lenaneo la rona la ho tsetela meahong.
Dilemong tse tharo tse tlang, mmuso o tla sebedisa dibilione tse R846 hodima metheo ya setjhaba. Bakeng sa dipalangwang, re tla boloka mebila ya rona maemong a matle le ho atolosa marangrang a ditsela tsa rona. Re tla netefatsa hore marangrang a rona a seporo sa terene ke a tshepahalang, a maemong a hlodisano mme a hokahantswe betere le maemakepe a rona.
Ho netefatsa phano e tshepahalang ya motlakase, re theile Komite ya Kahare ya Matona e shebaneng le matla a motlakase ho hlabolla leano la dilemo tse a 20 la mehlodi e kopanetsweng.
Hara tse ding, sena se tla shebana ho nka karolo ha bahlahisi ba ikemetseng ba matla a motlakase, le ho tshireletsa bafutsana kgahlanong le ditjeo tse phahameng tsa motlakase. Re tla theha mohlahisi ya ikemetseng, ya se nang kopano le Eskom Holdings. Eskom e tla tswelapele ho aha keketseho ya ho fehla motlakase le ho ntlafatsa paballo ya diteishene tsa motlakase. Bakeng sa ho ntshetsapele ikonomi e kenyeletsang ho thusa kgolo le ntshetsopele, re thehile Lekgotla la ho Matlafatsa Batho ba Batsho Ikonoming ka ho Phatlalla, leo modulasetulo wa lona e leng Mopresidente.
Se potlakileng haholo ke hore ho tsepamiswe maikutlo ho fetoleng leano ka ho kena ka setotswana ho hlahiseng mesebetsi bakeng sa batjha.
Sekgahla sa ho hloka mosebetsi batjheng ba rona se hodimo haholo ho palohare. Ditshisinyo di tla behwa tafoleng bakeng sa ho tshehetsa ka ditjhelete ditjeo tsa ho hira basebetsi ba batjha dilemong, bakeng sa ho kgothaletsa difeme ho hira batho ba se nang boiphihlelo. Ho na le mananeo a mang a katoloso ya ho hirwa ha setjhaba a leng tseleng. Sena se kenyeletsa motheo wa tsa lehae le diporojeke tsa thuto e phahameng le diporejeke tsa ho ithuta ho bala, tlhokomelo ya lapeng, paballo ya dikolo le merero ya ntshetsopele ya bana.
Selemong se fetileng re thehile Boemedi ba Naha Ntshetsopeleng ya Batjha.
Re laetse lekala lena ho sebetsa ka potlako bakeng sa ho theha makala a lona, naheng ka bophara, hore le re thuse ho sebetsana le ho phethahatsa mananeo a ntshetsopele ya batjha ka hara mmuso.
Ha mmuso ona o ne o kena kantorong selemong se fetileng, re itlamme ho menahanya boikitlaetso ba rona ba ho aha mmuso o matla o tswelang pele. Re itse e tla ba mmuso o arabelang ditlhoko le ditakatso tsa batho, le o sebetsang betere le ka potlako. Selemo sena, e leng 2010, e tla ba selemo sa ho sebetsa. Seo e tla ba sesupo se hlalosang tsamaiso ena e tla ba hore e tseba moo batho ba dulang, e utlwisisa ditlhoko mme e arabela ka potlako. Mmuso o lokela ho sebetsa ka potlako, haholo le ka makgethe.
Re tla lebella hore Bookamedi le Tshebeletso ya Setjhaba di ipapise le pono ena. Re aha mmuso o tsepamisitseng maikutlo tshebetsong, ka ho ntlafatsa meralo le ho beha tshebetso leihlo le ho e hlahloba.
Re boetse re lokela ho hokahanya mekgwa ya tekatekano ya bong ho Lenaneo la Mmuso la Tshebetso. Mohato ona wa tshebetso o tla netefatsa hore basadi, bana le batho ba nang le boqhwala ba kgona ho fihlella menyetla ya ntshetsopele.
Re thabela ho phatlalatsa tsela e ntjha ya ho etsa dintho mmusong.
Mosebetsi wa mafapha o tla methwa ka diphetho, o tla ntshetswa pele ke tsela ya rona ya ho beha leihlo tlhatlhobo. Matona a ikarabellang bakeng sa sephetho se itseng, a tla tekena tumellano ya ho fana ka ditshebeletso e tebileng le Mopresidente. E tla hlalosa se lokelang ho etswa, hore se etswe jwang, ke mang, bakeng sa nako e itseng mme ho sebediswa mokgwa ofe wa ho metha le mehlodi.
Jwaloka ha le hlokomela, re itlamme ka dintlha tse hlano tse ka sehlohlolong: thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ya metse ya mahae le ntjhafatso ya naha, tlhahiso ya mesebetsi e itseng tjha, le twantsho ya botlokotsebe. Ho tlatseletsa, re tla sebetsa ka matla ho ntlafatsa tshebetso e tswileng matsoho ya mmuso wa lehae, ntshetsopele ya metheo ya setjhaba le bodulo ba batho. Re tla itlama ka ho etsa diketso tse mmalwa tsa bohlokwa hore re fihlelle diphetho tsena.
Re beile thuto le ntshetsopele ya bokgoni bohareng ba maano a mmuso ona. Lenaneong la rona la 2010, re batla ho ntlafatsa bokgoni ba bana ba rona ba ho bala, ho ngola le ho etsa dipalo dilemong tsa motheo. Ntle le hore re etse sena, re keke ra ntlafatsa boleng ba thuto. Maikemisetso a rona ka thuto a bonolo empa a hlokolotsi.
Re batla barutwana le matitjhere ba be sekolong, ka phaposing, ka nako, ba ithuta le ho rutwa bakeng sa dihora tse supileng ka letsatsi. Re tla thusa matitjhere ka ho ba neha boitokisetso ba letsatsi le letsatsi bo tebileng.
Bakeng sa barutwana, re tla nehelana ka dibuka tse tla sebediswang ha bonolo ka dipuo tsohle tse 11. Ho tloha selemong sena ho ya pele, barutwana bohle ba kereiti ya boraro, ya botshelela le ya bo robong ba tla ngola dihlahlobo tsa litherasi le nyumerasi tse lekotsweng ka boikemelo. Sepheo sa rona ke ho nyolla sekgahla sa ho pasa bakeng sa ditlhatlhobo tsena ho tloha palohareng ya hona jwale 35% le tse 40% ho ya ho tse 60% ka 2014. Sephetho se tla romellwa batswadi ho lekola tswelopele.
Ho tlatseletsa, sekolo ka seng sa tse 27 000 tsa rona di tla hlahlojwa ke bahlanka ba tswang Lefapheng la Thuto ya Motheo. Sena se tla behwa tlalehong e ngotsweng e hlahlobehang. Re rerile ho nyolla palo ya barutwana ba materiki ba lokelang ho kena yunivesithi ho fihla ho 175 000 ka selemo ho ya ho selemo sa 2014.
Re kgothaletsa batswadi ho sebetsa mmoho le rona ho atlehisa morero ona. Re amohela peho ya kgwedi e fetileng e entsweng ke mekgatlo e meraro ya matitjhere, NAPTOSA, SADTU and SAOU, ka ho thatiselletsa boitlamo ba bona bakeng sa Letsholo la Boleng ba ho Ithuta le ho Ruta ho tloha qalong ya 2010.
Re lokela ho tsetela batjheng ba rona ho netefatsa hore re na le lebotho le rupelletsweng le basebetsi ba nang le bokgoni bakeng sa ho tshehetsa kgolo le tlhahiso ya mesebetsi. Ha ho le jwalo, re ikemiseditse ho nyolla thupello ya ba dilemong tse 16-25 ditsing tsa thuto le thupello e tswellang.
Sena se tla etsa hore re fane ka monyetla wa bobedi thutong, bakeng sa barutwana ba sa fihlellang ho kena yunivesithi. Re sebetsa le ditheo tsa thuto e phahameng ho netefatsa hore barutwana ba lokelang ba fumana thuso ya ditjhelete, ka Sekema sa Setjhaba sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete. Re bile re ipehetse dipheo bakeng sa ntshetsopele ya dithupello, ho hlahisa dienjenere le boratekgeniki ba tlatsetso, le ho eketsa lenane la matitjhere a thuto ya dipalo le Saense.
Hapehape re loketse ho phahamisa lenane la batjha ba kenelang dithupelo tsa mosebetsi mafapheng a poraefete le a mmuso. Sephetho se seng sa bohlokwa ke ho netefatsa bophelo bo bo lelele le bo botle bakeng sa maAforika Borwa kaofela. Re tla phehella ho ntlafatsa mokgwa wa rona wa tsa bophelo bo botle.
Sena se kenyelatsa kaho le ntlafatso ya dipetlele le ditliliniki, le ho ntlafatsa maemo a tshebetso a basebeletsi ba tsa bophelo. Re imatahantse le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa ho ntlafatsa tshebetso ya dipetlele tsa setjhaba le diofisi tsa tsona tsa ditereke. Re bile re sebetsa mmoho le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri, lenaneong la mmuso la ho matahanya tshebedisano mahareng a mekgatlo ya poraefete le ya mmuso bakeng sa ho ntlafatsa dipetlele le phano ya ditjhelete bakeng sa diporojeke.
Re lokela ho tobana le nnete ya hore tebello ya nako ya ho phela ha masea a hlahang, e theohile ho tloha dilemong tse 60 ka 1994 ho ya ka tlasenyana ho dilemo tse 50 kajeno. Ha ho le jwalo re etsa boitshunyako ba ho theola sekgahla sa ho shwa ha bomme ba masea ho fokotsa tshwaetso tse ntjha tsa HIV le ho phekola HIV le TB ka ho phethahala.
Re tla boela re fokotsa ho shwa ha masea ka lenaneo le matla la kentelo. Re tla tsoseletsa mananeo a bophelo bo botle dikolong. Re tla kenya tshebetsong boitlamo bohle bo entsweng ka Letsatsi la Lefatshe la AIDS tse amanang le mekgwa e metjha ya ho thibela HIV le ho e phekola. Mosebetsi o matla o se o le motjheng bakeng sa ho netefatsa hore mosebetsi oo o nakong. Re tla boela re tswela pele ka boitokisetso ba ho theha tsela ya setjhaba ya inshorense ya bophelo bo botle.
Re sebetsa ka thata ho netefatsa hore motho e mong le e mong a ikutlwe a bolokehile le hore o bolokehile ka hara Aforika Borwa. Re tla ntshetsapele mosebetsi wa rona wa ho fokotsa ditlolo tse mpe le tse nang le merusu tsa molao, le ho netefatsa hore tsela ya rona ya toka e sebetsa ka ho phethahala. Re ntse re kenya tshebetsong meralo ya ho eketsa lenane la mapolesa a banna le basadi ka 10% dilemong tse tharo tse tlang.
Re hlwaile ntwa kgahlanong le ho nkelwa dikoloi ha batho ka mahahapa, tlatlapo ya ditsha tsa kgwebo le matlong, mmoho le ditlolo tsa molao tse jwaloka polao, peto le ho otlwa, e le tsona tse ka sehlohong. Bohle re na le karolo eo re lokelang ho e bapala. Ha re beng karolo ya diforamo tsa baahi tsa polokeho. Ha re tloheleng ho reka thepa e utswitsweng. Ka dinako tsohle ha re beng malala a laotswe ho fana ka tlhahiso leseding ya diketso tsa botloko tsebe sepoleseng. Tshebedisano mmoho etla lwantsha botloko tsebe.
Baheso le baeti ba hlomphehang, mmuso wa lehae o lokela ho sebetsa. Bomasepala ba lokela ho ntlafatsa phano ya matlo, metsi, tlhweko, motlakase, taolo ya matlakala le ditsela. Re ile ra tshwara kopano le bomajoro le balaodi ba bomasepala selemong se fetileng. Sena se fane ka lesedi la bohlokwa bakeng sa diphephetso tse teng ka hara mmuso wa lehae. Re ile ra boela ra etela baahi le bomasepala ba fapaneng, ho kenyeletsa Balfour e Mpumalanga le Thembisa e Gauteng. Kamora leeto la Balfour, re ile ra romela moifo wa matona a robong ho etela tulo eo ho shebana le dintlha tse hlahisitsweng ke baahi. Dintlha tse ngata ho se ho mekamekanwe le tsona.
Ke laetse matona ho mekamekana le ditaba tse ntseng di saletse morao. Re sa boela re phetha hore ha hona dingongoreho tse ka etsang hore batho ba etse merusu le ho senya thepa. Re laetse makala a tsa molao hore a lwantshe ho hloka taolo ka matla Balfour le ditulong tse ding. Ka Tshitwe 2009, Kabinete e dumellane ka lewa la tshebetso bakeng sa mmuso wa lehae. Sena se tla netefatsa hore mmuso wa lehae o na le the bolaodi bo hlwahlwa, bokgoni ba tsamaiso le ba botekginiki.
Selemong sena sa tshebetso, ha re sebetseng mmoho ho etsa hore mmuso wa lehae e be boikarabelo ba rona kaofela. Re sebeletsa ho ntlafatsa bodulo le ho fana ka ditshebeletso bathong ba mekhukhu e dutseng tulong tse hantle tse hlwahlwa le ho fana le ditokelo tsa naha ho bonyane matlo a 500 000 ka 2014. Re rera ho behella ka thoko dihektare tse 6 000 tsa Naha e dutseng hantle bakeng sa ba amohelang meputso e tlase le matlo a kgonehang.
Ntlafatso e ntjha ya bohlokwa e tla ba ho kenyeletsa batho bao meputso ya bona e phahameng haholo ho re ba ka fumana ditshehetso tsa mmuso, empa ba amohela tjhelete e tlase hore ba ka fumana kadimo bankeng.
Re kenya mokgwa wa letlole la tiisetso la R1 bilione ho kgothaletsa dibanka tsa poraefete le lekala la matlo, ho kgakola dihlahiswatse ntjha tse tla shebana le tlhoko ya bodulo.
Selemong se fetileng re itse, batho ba mahaeng le bona ba na le tokelo ya ho ba le motlakase, metsi, matlwana a tsamaiswang ka metsi le ditsela.
Ra re ba tshwanetse ho ba le ditsi tsa boikgathollo le dipapadi hammoho le ditsi tsa mabenkele tse jwaloka tse metsemeholong.
Tabeng ena, re kgakotse setsha sa pele sa teko sa Lenaneo le Phatlaletseng la Ntshetsopele ya Mahae Giyani, Limpopo, ka Phato selemong se fetileng. Ho tloha ka nako eo, matlo a 231 a ahilwe.
Tswelopele e se e entswe bakeng sa ho fana ka motheo wa setjhaba ho tshehetsa ntshetsopele ya temo, le kwetliso bakeng sa baahi. Phumantsho ya ditsha tsa bophelo bo botle le thuto di ntlafetse. Re kenya tshebetsong mananeo a tshwanang le lena ditsheng tse supileng ho phatlalla le naha, mme di tswela molemo diwate tse 21.
Ka 2014, re ikemiseditse ho ba le ditsha diwateng tse 160. Re batla hore 60% ya malapa ditsheng tsena di kgone ho mekamekana le ditlhoko tsa dijo ho tswa tlhahisong eo ba iketseditseng yona ka 2014.
Hanyane hanyane ho tla loka, hantlentle baheso, ho thwe dintho tse kgolo di qala hanyane.
Re boetse re hloka ho kopanya betere ntlafatso ya lefatshe le mananeo a tshehetso ya temo. Katleho ya rona tabeng ena e tla methwa ka keketseho ya lenane la borapolasi ba ba nyenyane ba atlehang moruong.
Ha re naha e ruileng ka metsi. Empa, re ntse re lahlehelwa ke metsi a mangata ka dipeipi tse dutlang le motheo wa setjhaba o sa tsepamang. Re tla tla ka mekgwa ya ho fokotsa tahlehelo ya metsi ka halofo ka 2014.
Jwaloka ka karolo ya rona ya ho etsa mekutu ya ho kgothaletsa kgolo e matla ya moruo, re shebile ho fokotsa ditjeho tsa ho hokahana. Setjhaba sa maAforika Borwa se ka labella phokotso e nngwe e phatlaletseng ya sekgahla sa ditjeho tsa, diselefouno, mehala ya ka malapeng le ya setjhaba. Re sebeletsa ho eketsa lebelo la dikgokahanyo tse phatlaletseng le ho netefatsa maemo a hodimo a tshebeletso a inthanete, re ipapisitse le maemo a matjhaba.
Mmuso ona otla netefatsa hore thepa ya rona ya tikoloho le mehlodi ya tlhaho di tshireleditswe hantle, mme di dula di ntlafatswa.
Le ha e sa tsamaya ka tsela eo re ne re rata ka yona, ke mohato wa bohlokwa ho ya pele hobane e tlama dinaha tsohle ho arabela tabeng ya ho feto fetoha ha tlelaemete. Re tla sebetsa ka matla le bomphato ba rona ba matjhabeng bakeng sa tumellano e re tlamang bohle ka molao. Jwaloka Aforika Borwa, re itlamme ka boithaopi ho fihlella dintlha tse itseng tse tobaneng le ho ntshwa ha mosi, mme re tla tswela pele ka mawala a rona a nako e telele a ho lwantsha ho fetofetoha ha tlelaemete.
Re tla matlafatsa mekutu ya rona ya ho to ntshetsa pele ditabatabelo tsa Aforika Borwa lefatsheng ka bophara.
Re tla tshehetsa mekutu ya ho potlakisa kgokahanyo ya dipolotiki le ikonomi ya lebatowa la SADC, le ho ntshetsa pele kgwebo le matsete a kopanelo ka lebatowa. Aforika Borwa e tswela pele ho bapala karolo ya boetapele mekutung ya kontinente ya ho matlafatsa Kopano ya Aforika le dikarolo tsa yona, le ho sebeletsa bonngwe. Re tla tsepamisa matla a rona bakeng sa ho tsoseletsa Selekane se Setjha Bakeng sa Ntshetsopeleng ya Aforika, e le leano bakeng sa ntshetsopele ya moruo ka hara kontinente.
Tshebeletso ya Setjhaba e lokela ho arabela kgoeletso ya ho etsa sehla sena sa tshebetso e potlakileng le tshebetso e ntlafetseng ya mmuso. Re batla tshebetso e tswileng matsoho le ho sebetsa ka thata. Re hloka basebeletsi ba setjhaba ba itetseng, ba nang le bokgoni le ba kgathallang ditlhoko tsa baahi. Mmuso o se o sebetsana le ntshetsopele le ho kenya tshebetsong lenaneo la ntshetsopele ya tshebeletso ya setjhaba, le tla beha leihlo boitshwaro le maemo bakeng sa basebeletsi ba setjhaba mafapheng ohle.
Re tswela pele ka mekutu ya rona ya ho fedisa bobodu le boqhekanyetsi ha ho rekwa thepa ya mmuso le phano ya dithendara, le dikopong tsa mangolo a ho kganna, ditjhelete tsa dithuso ya setjhaba le mangolo a boitsebiso, hara tse ding. Re thabetse tswelopele eo mmuso o e etsang dibakeng tse ding. Bekeng ena, re fedisitse ditefello tse 32 687 tsa boqhekanyetsi ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba, tse etsang dimilione tse R180. Komiti ya rona ya Kopanelo ya Matona bakeng sa Bobodu e batlana le ditsela tsa ho hlola bobodu ka ho phethahala. Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Jwaloka ha le hlokomela, re butse Mohala o Kgethehileng wa Mopresidente ho etsa hore setjhaba se fihlella Ofisi ya Mopresidente ha bonolo, le ho thusa ho tlosa dithibelo tsa phano ya ditshebeletso. Mohala o kgethehileng o bontsha maikemisetso a mmuso ho etsa dintho ka tsela e fapaneng. O entse phapang maphelong a maAforika Borwa a ma ngata.
Re ka qolla mofumahadi Buziwe Ngaleka wa Mount Frere, eo mohala wa hae e bileng wa pele tshebeletsong ena mabapi le pentjhene ya mofu monna wa hae. O teng hara rona bosiung bona. Hara rona re boetse re na le Monghadi Nkululeko Cele, ya ileng a thuswa ho fumana mangolo a boitsebiso, a mo thusitseng ho ingodisa Yunivesithing ya Thekenoloji ya Tshwane.
Tsena ke dipale tse pedi feela tsa katleho ya rona. Ka dintlha le mehlala e meng, re hlwaya bofokodi bo lokelang ho lokiswa ke mafapha a fapaneng a mmuso. Ka thuso ya Sepikara, re memme boemedi ba mekga e mengata ho tswa Palamenteng ho etela setsha sa rona sa mehala, hore Maloko a Palamente a iponele ka mahlo mosebetsi o etswang.
Ke nehelane ka dintlha tse ka sehlohlolong tsa meralo ya rona bakeng sa 2010, boitlamo ba rona ba kopanelo jwaloka mmuso ho batho ba Aforika Borwa. Puo ya Maemo a Setjhaba e fana ka kakaretso e phatlaletseng ya moralo wa rona wa tshebetso. Matona a tla nehelana ka dintlha ka botebo dipuong tsa ona tsa Kgetho ya Ditekanyetso tse fapaneng.
Ditho tse hlomphehileng, maAforika Borwa a heso, ka Pudungwana selemong sena, re tla tshwaya sehopotso sa dilemo tse 150 tsa ho fihla ha maIndia Aforika Borwa. Sena se fana ka monyetla wa ho ananela nyehelo ya bohlokwa ya setjhaba sa maIndia mafapheng a basebetsi, kgwebo, saense, dipapadi, tumelo, bonono, botjhaba le phihlello le tiiisetso ya demokerasi ya rona.
Ha ke nke monyetla ona hore hapehape re fetisetse matshediso a tswang botebong ba dipelo tsa rona ho mmuso le batho ba Haiti ka koduwa e kgolo e ba wetseng. Re thabile haholo hore meifo ya rona ya pholoso e kgonne ho ya thusa. Ke lakatsa ho ananela ka ho ikgetha moAforika Borwa a sa keng a hloleha ho thusa nakong tsa dikoduwa, le ho re thusa ho ntshetsapele pono ya setjhaba se kgathallang. Re amohela Ngaka Imtiaz Sooliman wa Gift of the Givers ka hara ntlo ena kajeno.
Ho tshwara dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA ho etsa selemo sa 2010 e be sa tshebetso e le ka nnete. Re dutse dilemo tse telele re rera bakeng sa Mohope ona wa Lefatshe. Re setse feela ka dikgwedi tse tharo. Mme re ikemiseditse ho atleha. Motheo wa setjhaba, tshireletso le ditlhophiso di motjheng bakeng sa ho netefatsa thonamente e atlehileng.
Mopresidente Mandela o ne a le bohareng ba ho thusa naha ho hlola ditokelo tsa ho tshwara morero ona o moholo. Ha ho le jwalo re lokela etsa Mohope wa Lefatshe katleho e kgolo bakeng sa ho mo hlompha. Baheso, ha re boeleng re tshehetse sehlopha sa naha Bafana Bafana. Ke e mong wa ba kgolwang hore Bafana Bafana ba tla etsa dimakatso. Seo e leng sa bohlokwa, tekete letsohong baheso! Bohle ha re rekeng ditekete ka nako hore re tsebe ho ya dipapading.
Jwaloka ha re keteka tokoloho ya Madiba kajeno, re itlama botjha bakeng sa poelano, bonngwe ba setjhaba, ho se kgetholle ka morabe le ho aha a bokamoso bo betere mmoho jwaloka maAforika Borwa, ba batsho le ba basweu.
Bophelong ba ka ke iteletse ho lwana bakeng sa batho ba maAforika. Ke lwanne kgahlanong le kgatello ya ba basweu, le ho lwana kgahlanong le kgatello ya batho ba batsho.
E sa le ke na le toro ya setjhaba sa demokerasi le se lokolohileng, moo batho bohle ba phelang mmoho ka kutlwano, le ka menyetla e lekanang. Ke toro eo ke lakatsang ho iphelela, le ho e fihlella.
Empa ha ho hlokeha, ke toro eo ke ikemiseditseng ho shwa bakeng sa yona
Ka lebaka la ho kgothaletswa ke Madiba, ke tlhompho ho nna ho etsa puo ena e mabapi le Maemo a Setjhaba ya 2010 ho hopola bahale le bahalehatsana ba rona, ba roriswang le ba sa rorisweng, ba tsejwang le ba sa tsejweng.
Ke a leboha.
<fn>FINAL QP - Sesotho FAL P1 - November 2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
NSC KAROLO YA A TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
Force Khashane o butse mokete ka pina ya setjhaba mme ya dumellana hantle le lepetjo la Proudly South African le neng le e na le baemedi moketeng ona.
Force o hopotsa ditho tsa Bona Empowerment Club hore spaza ke mabenkele a rona a motheo mme a kgothaletsa hore a tshehetswe. A bolela ka moo ho leng bohlokwa kateng ho tshehetsana hore re tsebe ho boloka moruo wa rona ka hara setjhaba sa habo rona. 'Se shebeleng dispaza tlase, rekang ho tsona mme le ntshetse pele setjhaba sa habo lona le tsebe ho ballwa hara ditjhaba tse tswetseng pele', ho bolela Force.
Adriaan Taljaard wa Proudly South African o re lepetjo lena le thehilwe ka selemo sa 2001 ka tshebetsommoho ya mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kgopolo ya ho kgothalletsa theko ya dietswa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa naha, tshebetso ya dikgwebo tse ntjha le theho ya mesebetsi.
Adriaan a mema borakgwebo ba banyenyane hore ba buisane le ba ha PSA hore ke sefe seo ba ka thuswang ka sona. Hoba setho sa PSA o lokela hore dietswa le ditshebeletso tsa hao e be tse entsweng ka hara naha mme hape di tshehetse BEE. Nedlac le DTI di tshehetsa PSA mme ke tsona dikhampane tse tshehetsang borakgwebo ba banyenyane. A re PSA e tshehetsa dikhampane ka ho di kopanya le batho ba ka di thusang ka mekgwa yohle e hlokahalang.
SARS le yona e sebetsa mmoho le PSA. A tswela pele ho hatella bohlokwa ba ho re rakgwebo a ingodisetse ho lefa VAT hore a tsebe ho ba le menyetla ya ho fumana mesebetsi e meholo ya mmuso.
Proudly South African ke leano la ho nyolla moruo wa Afrika Borwa. Le tsheheditswe haholo ke mmuso, basebetsi, dikgwebo le mekgatlo ya setjhaba ka kakaretso.
Leano lena le kgothalletsa hore ho sebediswe bonyane 50% ya dintho tsa Afrika Borwa tse kang dikhampane, dihlahiswa, ditshebeletso, basebetsi jwalo jwalo.
Maikemisetso a maholo ke ho kgothaletsa bareki le dikhampane ho sebedisa dihlahiswa le ditshebeletso tse nang le letshwao la Proudly South African.
Ba ha Proudly South African ba bapatsa dintho tse ngata ho kgothaletsa tshebediso ya dihlahiswa tsa kwano le hona ho tshehetsa ditho tsa bona. Baahi bohle ba tshehetsa leano lena.
Ho ya ka ditaba tseo o di badileng, bohlokwa ba pina ya setjhaba ke bofe?
Ka polelo e le nngwe sebedisa mantswe a hao ho hlalosa ka botlalo seo o se utlwisisang ka tema ena.
Qolla diakronime tse tharo tse boletsweng temeng o be o di ngole ka botlalo.
Tswekere ya Illovo e matlafatsa MaAfrika Borwa. Tswekere ya Illovo e tshweu kapa e sootho e fumaneha e thumisehile kapa e sa thumiseha.
E sootho le yona ke tswekere e feletseng ya tlhaho. Ha e na dikhemikhale le metswako ya ho fetola mmala. Le yona e ntle bakeng sa ho baka le ho noka dino tse tjhesang athe e tswa pele ho natefisa jwala ba setso ba KwaZulu- Natal.
Tswekere e sootho e phuthetswe ka makgethe, e fumaneha ka boholo ba 250 g le ka 500 g, athe e tshweu yona e fumaneha ka boholo ba ho tloha ho 1 kg, ho ya mokotleng wa 2,5 kg, athe e rekwang haholo ke ya boholo ba 12,5 kg.
Dipakana tsa Illovo di a fumaneha mmarakeng mme moreki ka mong o fumana ya boholo boo a bo ratang. Ka hoo, sheba dipakana tse mmala o mosweu le botala ha o kena mabenkeleng a maholo. Bohle ba rata Illovo!
Ke mofuta ofe wa tswekere o hlahellang setshwantshong sa papatso e ka hodimo?
Ke mebala efe eo sehlahiswa se bapatswang ka hodimo se fumanehang ka yona?
Phapano ya boima dipakaneng ditswekere tse pedi setshwantshong se ka hodimo ke okae?
Ha o bapisa dipakana tsa Illovo tse hlahisitsweng setshwantshong se ka hodimo, ke pakana efe e fumanehang ka theko e tlase?
Bolela melemo e mmedi feela ya sehlahiswa e totobatswang papatsong e ka hodimo.
Na ke nnete hore tswekere ya Illovo e fana ka matla Nnetefatsa karabo ya hao ka ho qolla polelo e dumelanang le karabo ya hao?
Bala tema e latelang ka hloko. Ha o qeta akaretsa mehopolo ya sehlooho ka dipapadi tsa bana ba Basotho ba kgale le ba kajeno. Ngola ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao.
Bana ba mehleng ya pele ya Basotho ba ne ba rata papadi eo ho thweng ke hotsitsi eo ba neng ba e bapala ba entse sakanalankope, ba tshwarane ka matsoho, ba teetse e mong hare ya ntseng a hlahloba moo a tla tswang teng.
Papadi tse kang morabaraba, thellisane, phupekalefe di ne di bapalwa ke bashemane haholo thakaneng kapa naheng kwana ha ba alositse, hobane e ne e se ha ngata o ka fumanang bashemane ba kopanetse dipapadi le banana. Ba ne ba e na le dinqalo tseo ba bapallang ho tsona, ka nako eo dikgomo di qalang ho tlwaela makgulo, kapa ha di bothile, hoba di nyolohe mokgwabong.
Mahaeng papadi e kgolo ho banana e ne e le diketo kapa ho tlola kgati; ho seng jwalo o tla fumana ba ipapalla mantlwane, papadi e ratwang ke banana ba Basotho haholo. Anthe bashemane ka nako e nngwe, naheng kwana ba ne ba bapala ka mahlaka, e leng mokgwa o motle wa ho ithuta ho kalla. Ba bang ba bona ba betsana ka disu, ona le wona e sa le mokgwa o mong o motle wa ho ithuta ho qoba le ho tlola ditshwepo.
Dipapadi tseo re di bonang kajeno ke tse kang bolo ya maoto, tenese, krikete, kolofo, ditebele, ditantshe, netbolo le tse ding tse kang chess jwalojwalo. Dipapadi tsena di bapalwa ke e moholo le e monyane, bashemane le banana mme ha ho kgethollo ho tsona.
E qotsitswe le ho lokisetswa mosebetsi ho tswa bukeng ya Mehla e a fetoha, J.J.
Bala tema e lateng ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tse thehilweng hodima yona.
Ha ke ntse ke eme moo, ke bile ke se ke lahlehetswe ke mamello, ka bona Lerato a hlaha, naletsana ya ka. Ra shebana nakwana pele re buisana. Ntho yane eo ke neng ke se ke e tlwaetse ya qala hape ka sefubeng. Ruri e ne e le mohaladitwe ka nnete. O ne a nkile moriri ona a o tlameletse ka morao; o le motsho o re tsho, o nyalellana le ntshi tsena tsa hae. A be a tena bolousu bo bofubedu bo neng bo tsamaelana le masale ao a neng a a rwetse; empa a hlile a le manyenyane. Thekeng a itlamme ka forosekoto ya bomamphehi; ho bonahala hore o ne a ntse a sebetsa; moo foresekoto ena e fellang maotong ho hlahile maoto a borikgwe bo botsho, kausu tse ntsho le dieta tse ntsho.
Tloo re kene Hlomi o tlo bona bomotswala ba ka, ke kgolwa hore ba tla thabela ho o tseba haholo. Ke kgale re o lebeletse, o diehile kae?
Ha re ntse re qoqa jwalo ha hlaha ntate e mong eo ke neng ke qala ho mmona. A bitsa, mme ha sala nna le Lerato feela, e leng motsotso oo ke neng ke o hloka ho feta yohle. Ka mo sheba ka mahlo a neng a mmolella hore jwale ke nako ya rona, mme ka tsamaya maoto a mararo ke lebile teng ha a etla a potlakile a ntshwara: 'Hlomi utlwisisa hle, ntate o tla elellwa ka pele hore ha ke yo, mme o tla nkgalefela haholo.'
Lerato, ke a tseba ntate wa hao o jwang, empa ke kgolwa hore o a utlwisisa ka moo ke hlokang ho ba le wena ka teng, e leng ntho ya bohlokwa ho nna, empa ke bona hore wena ha o kgathalle maikutlo a ka. Lerato e be o ntse o nthata jwalo ka pele?
Hlomi, ke ntse ke o rata.' Ke yena eo ka lentswe le bonolo.
Ho lokile Hlomi ha re tsamaye. Empa ke kopa hore re se nke nako e telele hle Hlomi.' Ka se mo arabe ha re ntse re tsamaya. Ha re fihla teng ka mo tshwara lethekeng, mme ka nka letsoho la hae ka le potetsa ho la ka.
Hoba re fihle fateng seo, ra qoqa nthwana tse ngata, le ha a ne a le bodutunyana jwalo. Ka thola ka mo sheba ka mahlong motsotso o molelele; ka moo a neng a le motle ka teng ha a ne a le bodutu jwalo, a bile a nthoba maikutlo.
Ka mo hulela ho nna ka bonolo, ke itshetlehile teng. A thotse a sa bue letho, mahlo ona a le sefahlehong sa ka, a sa panye ho hang hoba yena o ne a e na le bona bokgoni boo. O ne a hlile a se jwalo ka mehleng ha a ne a mmamarela le pele ke mo tshwara. Ka mo tshwara marameng ka matsoho a mabedi ka bua ka ntswe le hweshetsang ka re: 'Lerato o a nthata?
Polelo ena e temekisong ya tatolo/kganyetso, 'Ka se mo arabe ha re ntse re tsamaya.' Fetolela dipolelo tsena tse latelang tatolong/kganyetsong.
Hoba re fihle fateng seo, ra qoqa nthwana tse ngata.
Hlomi, ke ntse ke o rata.
Nehelana ka malatodi/diantonime tsa matswe a ngotsweng ka botsho dipolelong tsena. Ngola feela karabo ya hao nomorong e loketseng.
Ka bona Lerato a hlaha, naletsana ya ka.
O ne nkile moriri ona a o tlameletse ka morao.
Hlomi o ne a lokela ho qala mosebetsi wa hae.
Ngola mantswe a ka masakaneng sebopehong se nepahatsang dipolelong tsena tse latelang.
Hlomi, tseba hore (-rata) la ka ho wena ha se le ka felang.
Lerato ke ngwanana ya nang le (-hlompha) ho batswadi ba hae.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa mantswe a ka masakaneng a ngolwe sebopehong se nepahetseng ho etsa hore polelo ka nngwe e hlahise moelelo o phethahetseng. Sehella mantswe ao mola.
Moriri wa Lerato o ne o le (-lelele) a bile a o tlameletse ka morao.
Hantlentle Hlomi o tsamaile maoto a (-ne) pele a fihla ho Lerato.
Lerato o ne a rwetse masale a (-fubedu) tjena, a bile a tsamaelana le mose wa hae o mofubedu.
Bopa polelo e le nngwe ka ho kopanya dipolelo tsena tse pedi. Qala polelo ya hao ka lekopanyi leo o le filweng ka masakaneng.
Lerato o ile a hana moshanyana e mong ya neng a mo fereha ka phaposing ya bona. Lerato o ne a nthata ka pelo ya hae yohle (ka ha).
Lentswe lena 'naletsana' ke nyenyefatso ya 'naledi'. Naletsana e bopilwe ka ho kgomathisetsa lebopi la nyenyefatso '-ana' ho lebitso naledi. Nyenyefatso ena e supa lerato kapa qenehelo. Le wena ipopole nyenyefatso ka tsela ena ka mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tsena. Ngola karabo feela mabapa le nomoro e loketseng.
Hlomi o ne a bolelle mmae ka tsa mokete wa letsatsi la tswalo la Lerato.
Mohlomi o ne a ithatela moriri ona wa Lerato ha o tlanngwe hantle.
Masale a Lerato a ne a le manyenyane ditsebeng tsa hae.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa polelwana kapa sehlotshwana sa mantswe a ngotsweng ka masakaneng. Ngola feela karabo e hlokehang.
Lerato o tsebisitse Hlomi (bana ba malomae) ha a fihla lapeng.
Mohlomi o ne a ntse a e na le (monna le mosadi ba mo tswalang) ka bobedi.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Lerato o ne a botsa Hlomi dipotso.
Ra qoqa nthwana tse ngata.
Lerato o ne a tlamme moriri hantle.
Ngola polelo ena hape, empa o lokise sebopehomasakaneng ho phethahatsa moelelo wa polelo.
Lerato o ile a (nbotsa) ho re na ke a mo rata.
Lerato, na o ntse o (nrata) jwalo ka pele?
Ngola polelo ena ka Sesotho se nepahetseng.
Lerato o ne a kentse borikgwe bo botsho.
<fn>FINAL QP - Sesotho FAL P3 - November 2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo ka sona. Bolelele ba moqoqo bo boletswe leqepheng le ka pele.
Boqolotsi ba ditaba ke o mong wa mesebetsi e behang baqolotsi kotsing. Diketsahalong tse ngata tse kang boipelaetsi ba basebetsi ho tswa mafapheng a fapafapaneng, dintwa, ho tjha ha mekhukhu le diqhwebeshano tsa mefutafuta ba be ba ntse ba le teng ho qolotsa ditaba tse tla beha setjhaba leseding ka tse etsahalang. Ngola moqoqo o pepese tsa mosebetsi ona.
Boqolotsi ba ditaba.
Selemo se seng le se seng baithuti ba fuwa monyetla wa ho kgetha baetapele ba tla ba emela lekgotleng la tsamaiso la sekolo. Ka mohlomong le wena o labalabela hore eka o ka kgethwa kemeding ena ho phetha ditabatabelo tsa hao ho ntlafatsa maemo a baithuti. Ngola moqoqo o re phetele tsena.
Mohlang ke bang moetapele wa baithuti sekolong sa heso.
Leano la mmuso la Batho Pele le hatella ho tliswa ha ditshebeletso bathong le ho re di etswe ka tsela e phethahetseng. Baetapele ba rona ba leka ka hohle ho phethahatsa leano lena. Na o a dumela Dumellana kapa hanana le ho phethahatswa ha leano lena la mmuso?
Leano la mmuso la Batho Pele le feela le tlisa ditshebeletso setjhabeng.
Setjhaba ha se bone ditshebeletso tse tliswang ke leano la mmuso la Batho Pele.
Matsatsing a phomolo a fetileng wena le ba lelapa la heno le ne le etetse sebakeng sa phomolo se kgabileng ka botle ba tlhaho. Le dutse matsatsinyana moo le robile monakedi. Ngola moqoqo o phete botle ba karolo eo ya naha.
Matsatsing a kajeno re bona bakganni ba bangata ba makoloi ba hloka mamellano le hona ho utlwisisana mebileng. Sena se beha maphelo a bona, a bapalami ba bang le ditaaso kotsing. Pakahatsa taba ena ka ho ngola moqoqo, mme o etse le ditlhahiso hore na hona ho ka qojwa jwang.
Dikgoka tsa bakganni mebileng.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tse latelang. Ikgopotse bolelele boo o lokelang ho bo ngola leqepheng la bobedi. Bolelele bona bo kenyeletsa dikahare feela, ha ho ballwe hlooho le qetelo.
Motswalao ya leng kereiting ya borobong ha a sebetsa hantle ditlhahlobong tsa boitokisetso. O utlwile bohloko mme o nkile qeto ya ho tlohela sekolo, a se ngole ditlhahlobo tsa makgaolakgang. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse, le ho mo lemosa mathata ao a ka tobanang le ona ha a ka etsa sena.
O modulasetulo wa lekgotla la kemedi ya barutwana sekolong sa heno. Ka mora ditlhahlobo tsa makgaolakgang ho tla sala matsitsinyana pele dikolo di kwalwa semmuso. Le rerile ho tshwara moketjana wa botjhaba sekolong moo le tla bapatsa tsa bonono le setso ho thabisa baithuti le ho ba ntsha bodutu matsatsinyaneng ana. Ngolla mosuwehlooho lengolo o mo kope tumello ya ho tla sebedisa meaho le mabala a sekolo bakeng sa moketjana ona.
Malomao ya o hodisitseng ho tloha bonyenyaneng o hlokahetse. Lelokong leno ke wena e moholo ya bileng a nang le lesedi la thuto. Ba leloko ba o kopile ke hona hore o ngole tsa bophelo ba mofu malomao. Ngola obitjhuwari eno.
O mongodi lekgotleng la tsamaiso la motseng wa heno. Memela ditho tse ding tsa tsamaiso kopanong ya tshohanyetso e mabapi le mathata ao baahi ba tobaneng le ona. Hopola le ho ba ralla lenanetsamaiso la tse tla tshohlwa mohlang oo.
Kgetha mme o ngole hape tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele ba tema bo se bo boletswe leqepheng la bobedi.
O tlo tshwara moketjana wa letsatsi la tswalo haufinyana. Rala karete ya memo eo ho yona o memelang motswalle wa hao moketjaneng ona. O hloka le ho tseba palo ya ba tla kgona ho tla bakeng sa ho lokisa dijo. Se lebale ho ba hopotsa kareteng hore ba o tsebise hore na ba tla tla kapa tjhe.
Sekolo sa heno se phepheditswe mme le tlo etelwa ke sekolo se tswang porofensing e nngwe ho tla bapala papadi ya bolo ya maoto le netebolo. Lekgotla la baithuti le shebaneng le tsa dipapadi le o file mosebetsi wa ho neha baeti ditaelo tsa ho fihla sekolong. O lokela ho ba hlalosetsa ka botlalo hore ba tsamaye jwang ho fihla sekolong sa lona. Ba laele ka tsela e hlakileng hore ba tsamaye jwang.
Nakong ya phomolo ya matsatsi a Keresemese e tlang mmino e tlo ba matletsetletse ka dihlopha tse fapaneng. Hara dihlopha tse tlang ke tse tlo bapala mmino wa 'jazz', mmamoratwa wa lona motseng weno. O lokela ho hlophisetsa mokete ona. Rala pampitshana ya tlhahisoleseding e tsebisang ka mokete ona wa mmino.
<fn>FINAL QP - Sesotho HL P1 - November 2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 13.
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo a makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Mehleng eo, ho hlaha ha lesea ho ne ho sa thabelwe, e be motlotlohadi, thabohadi, medidietsane le pitiki ya mehleng eo e ne e jellwa kgwebeleng jwalo ka ha nonyana e etsa ka mehla bophelong ba yona. Le ha ho le jwalo lesea la hlaha tlong ya Mokgatjhane, mme la rehwa Lepoqo, eo ha morao a ileng a tuma ka la Moshweshwe Moshwashwaila. Ya e ba thabo e tswakantseng le dikgapha le meokgo, hobane naha e ne e itebetse, ho se ya ka reng hosasa le tla tjhaba le dikele ke ntse ke le mona moo ke leng teng. Di a bela, di a hlweba, madiba ho psha a matala.
Batho ba neng ba jakile ho Mokgatjhane ba ne ba se bakae, le hojane ba ne ba ntse ba feta ba Dibe haholo. Re se re utlwile mabaka. E ne e le motsheare wa mantsiboya ha letsatsi le hlahlamela dithaba, ha makgomo a oroha, a hopola masakeng, moiteding. Bashanyana ba ketimisa dikgamelwana, manamane a bokollela bomma ona, motsana wa Menkgwaneng o qetse hara mosi, ha malapeng ho tlhatlehuwa dijo tsa mantsiboya. Kgwading banna ba qala ho phutha diphalo, ba bang ba bapala morabaraba sethetsabadisana, ha ho bolelwa banana ba matha ka dinkgo ho ya sedibeng.
Mokgatjhane o ne a dutse a bohile ba ntseng ba fala lekoko la pholo eo a neng a sa tswa e hlabela batho ba hae. Molaetsa wa hlaha ka lapeng ho re moreneng ho hlahile lesea. Modidietsane wa tswa ka difera tsa diotlwana, tse monate tsa wela ditsebeng tsa morena. A fela a behela ba mmokanetseng. A kgutlisa molaetsa wa diteboho ho ba ka lapeng. Jwalo ka ha eka o ne a se a ntse a lebeletse ho hlaha ha lesea, a be a se a neheletsa leqosa lebitso, hore lesea leo ke Lepoqo.
A tsebisa ba ka kgotla, ya sala e se e le 'Morena, e se eka a ka re holela mohlankana eo, a tle a re buse, a re tataise ka lere la tshepe, a hole a re holele.
Lerato la Peete le ne le kgaphatseha ho setloholo sa hae. A mo lakaletsa bophelo bo bolelele. E tle e be lesedi la ditjhaba, e seng ho Basotho feela empa tsohle tse tlang ho ba haufi le yena. A tle a be pelonolo, a be le boitshwaro, e tle e be lesedi ho ba ka tlasa hae. Ho nnileng ha hlorisa Peete ke tsona dintwa tse neng di se na kgotso, ho se tjhaba seo motho a ka reng ke sa hae, hobane monna, mosadi le ngwana ba ne ba hlahlathela jwalo ka dithotwana, ba leboha ha letsatsi le tjhaba le dikela ba ntse ba phela.
E bile lehlohonolo le makatsang hore Lepoqo a hole e be e be mohlankanyana a ntse a phela le ba habo motsaneng wa Menkgwaneng ho se ntwa e ileng ya qhala bodulo ba bona, le hojane ka mathoko ho ne ho ntse ho qholotsanwa, ditjhaba di telela le naha, ho tloha Botjhabela ho isa Bophirima. Ka Botjhabela ho ho ne ho puruma tau ya Bokone, Tjhaka, le boMatowane ka Leboya; esita le tsona ditjhabana tsa Basotho di ne di ntse di lwantshana, di jana jwalo ka madimo. Kgotso e teng mehleng ya kajeno, ke e neng e le siyo mehleng eo.
Lepoqo a nna a hola jwalo ka bana ba bang, a alosa, a dula kgotla, a mamela meqoqo ya banna, a ithuta ditshomo le mekgwa le maele a Basotho. Ho holeng ha hae, o nnile a makatsa batho ka masene ao a neng a na le ona. O ne a atisa ho botsa dipotso tse kang tsena: 'Na ha ho ka moo motho a ka phemang ho tetebetsa e mong ka lerumo, haeba a hapa dikgomo tsa hae, a mpe a di hape ka ketso ya mofuta o mong Ho bakang dintwa ke eng Ke ka lebaka lang hore motho a se kgotsofatswe ke seo a leng sona' Dipotso tse kang tsena le tse ding, di hlile tsa bonahatsa kelello le kutlwelobohloko ya Lepoqo?
Ho ne ho alositswe ke badisana, ho kallanwa ka nako ya ha ho phungwa mehwang, e ne e le ha ngata ha ho tla hlaha dintwa, ha ba bang ba motse o mong ba hanela makgomo a motse oo e seng wa habo bona, hore ba se ke ba fudisa ha mmoho, Lepoqo o ne a ba kena ka lehare, hore ba thehe kgotso, e le ho re madi a tle a se ke a tsholoha. Jwalo ka ha e le tlwaelo ya badisana hore ha ba eya naheng ba kgwaele, ba nke leqhetso la bohobe, nama eo ba ileng ba itshiela yona maobane, kapa le ha e le sejonyana sefe se monate, e tle e re motsheare o moholo ha tadi e antsha, mmampodi a mametse: 'Mmampodi kgwaolla, ditswakotleng tseo, ba di beha ka pele ho mmampodi, e le ho re e be yena ya ba fang a se a ile a ikgethela ho kang ho monate. Lepoqo le teng o hlile a lwantshana le bommampodi boo, a ba a bo fenya. O ne a etla a kgwaetse nama e ngata haeba moreneng ho ne ho hlabilwe, ho tla fepa ka ho lekana dithaka tsa hae. O ne a atisa ho re 'Sejosenyenyane ha se fete molomo.' 'Bana ba monna ba qothelana hlooho ya tsie.'
E qotsitswe bukeng ya A.S.
Ho ya ka moo o utlwisisang ditaba tsee ka teng, o ka di neha sehlooho sefe se tsamaelanang le tsona?
Lepoqo o ile a tsejwa ka lebitso lefe ha morao ha a se a hodile?
Ke eng seo mongodi wa tema a re akanyetsang sona ha a re mohla lesea le tswetsweng e bile 'thabo e tswakantseng le dikgapha le meokgo' Hlalosa le ho tshehetsa karabo ya hao?
Ho ya ka tema ee, Lepoqo o hlahile ka nako efe ya letsatsi?
O ka re ke eng seo mongodi a se bolelang ha a re 'banna ba qala ho phutha diphalo', haholo ha o bapisa see le se etsahalang matsatsing a kajeno?
Mongodi o hlalosa Tjhaka e le 'tau ya Bokone e purumang'. Hlalosa ka moo tshwantshiso ena e o thusang ho utlwisisa semelo sa Tjhaka ka teng.
Sehlahiswa se bapatswang temeng ena ke sefe?
Sehlahiswa seo o se boletseng se reretswe bomang hantlentle?
Hlalosa kgohedi e hlahiswang ke tshebediso ya mantswe ana 'Tshela metsi feela ' le ho re hobaneng a ngotswe ka mongolo o moholo.
Sehlahiswa see se hlahiswa ka ditatso tse kae ho ya ka tema ee?
kgahleho ya ho sebedisa diselefounu bohlokwa ba diselefounu mathata a tliswang ke diselefounu Qetellong ya kakaretso ya hao bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Diselefounu di ke ke tsa arohanngwa le bophelo ba rona matsatsing ana a kajeno. Motho e mong le e mong, re sa teele bana ka thoko, o hloka ho sebedisa sesebediswa sena sa kgokahano. Dipalopalo di bontsha palo e ntseng e hola ya batho ba seng ba fihlella tshebediso ya selefounu morao tjena - kgolo ya 24% ka selemo sa 2002 ho isa ho 42% ka selemo sa 2005. Diphuputso di bontsha kgolo ya 35% ya batho ba seng ba fihlella tshebediso ya diselefounu nakong e kgutshwane ya lemo tse pedi feela. Keketseho ena ha e ame feela batho ba baholo, nnete ke ho re le bana ba banyenyane ba dikolo ba se ba sebedisa diselefounu le bona, esita le masea a dilemo di tharo a a di sebedisa. Kgahleho ya ho sebedisa diselefounu baneng e hola ka sekgahla se seholo.
Bana ba tsamaya diterateng le mebileng ba kakatletse diselefounu. Ho bonwa o tshwere selefounu ho supa maemo. Ha motho a bonwa ka selefounu ho thwe o'cool' ke baeka. Sena se bolela ho re ngwana kapa motjha ya jwalo o 'kgema le dinako'. Ho ba tjena ke ho phela bophelo bo lebeletsweng bo tsamaelang le dinako. Lena ha se lona lebaka feela le ka susumetsang hore bana ba kenele 'mojaho' ona wa diselefounu, ho ntse ho e na le a mang. Batswadi le bona ba na le seabo.
Ba dumela hore selefounu e ba neha polokeho. Na o ka re ngwana o bolokehile ha a tshwere selefounu ho yena?
Ha ho qeaqeo hore polokeho ya bana e ba tsietsing ha feela ba tsamaya ba jere disebediswa tsena. Potso ke ho re na e be mabaka a polokeho ya bona a imela mabaka ao re ka a tadimang e le a behang polokeho ya bona tsietsing Le ha mabaka afe a ka imela afe, palo ya batho ba sebedisang diselefounu e tla nne e eketsehe, jwang kapa jwang?
Ee, ke nnete hore tshebediso ya selefounu e nyenyefaletsa basebedisi ba yona lefatshe. Lefatshe e ba ntho e nyenyane eo ba e fihlellang ha bonolo. Bana ba e ba le bokgoni ba ho fihlellwa ntho e nngwe le e nngwe ha bobebe feela. Lefatshe le lona le kgona ho fihlellwa ha bobebe feela jwalo. Founu tsena di kgona ho fuputsa ditaba le tlhahisoleseding ka hara di-web, e-meiling ebile ke 'baromuwa' ba tshepahalang ba ka dinako tsohle. Basebedisi ba kgona ho romela le ho amohela melaetsa ka nako efe kapa efe ya letsatsi. Ho ntse ho nepahetse ho re selefounu e na le ntho e nngwe le e nngwe eo khomputa ya lapeng e nang le yona. Bomadimabe ba selefounu bo bong; tataiso eo motswadi a nang le yona ngwaneng wa hae ha a sebedisa khomputa ya lapeng, a ke ke a ba le yona ha ngwana a sebedisa selefounu. Ngwana a ka sebedisa selefounu ya hae kae kapa kae. Difounu tsa kajeno di kgona ho hlahisa ditshwantsho ka mebalabala, jwalo feela ka tse hlahiswang thelevisheneng. Di na le dikhamera tse nang le bokgoni bo hodimo ba ho nka ditshwantsho, difilimi le divideo esita le ho fapanyetsana ka tsona ho tloha founung e nngwe ho isa ho e nngwe, esita le ho di kenya inthaneteng. Kgonahalo ena ya ho fapanyetsana tlhahisoleseding e etsa hore lefatshe e be nthonyana e nyenyane ho basebedisi ba desele tsena. Bokgoni bona ba ho fihlella lefatshe ka hohlehohle le ha bonolo ka mokgwa o tjena ke bona bo behang polokeho ya bana tsietsing. Bana ba ka tlatlatjwa ha bobebe ke batho ba nang le maikemisetso a mabe.
Bana ke bana mme ha ho bonolo ho ellwa 'dinokwane' tseo e leng kgale di tsoma ba tshwanang le bona. Ha ho bonolo bakeng sa ngwana wa ngwanana ho bona kotsi e mo tobileng ha a amohela molaetsa wa 'senokwane' se itlhahisang ka molaetsa o hlahelang founung eka ke thaka ya hae kapa motjha anthe ke leqheku lena le disene. Ba bang ba bana bana ba kena tsietsing ka ho romela le ho amohela ditshwantsho tseo molao o di hlalosang e le 'phonokrafi'. Ka nako e nngwe bananyana bana ba batho ba ka nna ba se utlwisise phapano dipakeng tsa hoo e leng 'thahasello' le 'takatso' ya ya romelang molaetsa. Sena se bolela hore selefounu e ka sebediswa ka ditsela tse fapaneng.
Tlhekefetso e etswa ka mekgwa e mengata. Mekgwa e meng ya tlhekefetso e tsejwang haholo ke e etswang ka puo le tlhekefetso ya mmeleng. Motho a ka bua le e mong ke tsela e mo hlekefetsang kapa a hla a ama mmele wa hae kapa a mo otla. Selefounu le yona e ka sebediswa ke bana ba bang ho hlekefetsa ba bang. Ngwana a ka romellwa melaetsa e mo hlekefetsang ke ba bang. Melaetsa ya ditshoso, ya ditshokelo le ditshwantsho tse tshabisang kapa tse kgethollang e ka romellwa bana ba bang hona ka phaposing ya ho rutela. Sena se bolela hore boitshwaro bo sa lokang boo ebileng bo akgang tlhekefetso bo ka etsahala hona pela titjhere mona mme a sa bone letho.
Boshodu le bona bo beha polokeho ya bana tsietsing. Disenyi kapa dinokwane tsa diselefounu ha di sokole diphofu tsa tsona hobane bana ba rona ba a di pepesa moo ba tsamayang. Ho bona diselefounu di supa maemo kapa setaele. Disenyi ha di se di ile tsa hlwaya phofu ya tsona di a e 'disa' le ho sala mohlala wa yona morao. E re moo ho leng ngwese teng di hlothole selefounu. Haeba phofu e le manganga kapa e leka ho phahamisa mapheo, ke hona mona moo disenyi tsena di sebedisang dikgoka teng. E ba phofu e a otlwa le ho rahakwa hampe kapa ho sebediswe dibetsa tse kang dithipa kapa dithunya.
Taba e neng e boetse e nthatafalla ke hoba le mosuwe 'Terror' Sithole o ne a iponahatsa feela hore o a tjha o a tuka mono ho Seipati. Ke ne ke bona hore ha a ka tshoha a mpone feela le Seipati, a ka ntshenya letlalo. Empa taba ke ho re ha ke robetse ke ne ke nahana Seipati, ke lora yena feela ka matsatsi a mangata; le ha ke phofa ke sa phofe mataese le dikarete, ke phofa yena. Moretlo ke a bona o ne a ye a utlwe mephofo le mepoto ya ka bosiu.
Ha Moqebelo o fihla ka be ke lokela ho nkela leeto la ka la mabaka a ka hona Orlando ka terene. Ha ke fihla seteisheneng ke ha ke fumana moo le bona ba kenang hona tereneng eo ke e palamang. Ka baka la batho ba bangata ra kena ka potlako, mme ka tshoha ke se ke dutse pela Seipati ke sa elellwa, ebile e se ka takatso ya ka. Taba jwale tsa eba mpe. Letswalo la nthe hee! Ka ka ka makala hore jwale ke ntho nngwe e mpapisitseng le motho eo. Ka ba mehopolong e mmedi. O mong wa boi, wa thabo, thabo e neng e le kutung ya pelo, o ne o re na Modimo o ntswela kae ha o mpeile pela leebanakgorwana lena haeka ke futhumetse ha monate tjena. Mohatsela le mofuthu di ne di mphapanelana, di mpakela mahlomola.
Ha e le pelo ya ka yona e ne ntsieditse. E ne e tshwere metjeko ka sefubeng sa ka, e le ha e utlwa diphala tse neng di lla ka hloohong. E tlohe e rethe jwalo ka Mapaqwa ka dikgohlopo, e le ha ho lla katara yona ya diphotha ka hloohong; ya tloha ya rutha mohobelo wa Mazulu, e le ha ho tidinya meropa, le diatla di tshetse lethala hloohong; ya boela yaka e a tlala, e a thenthetsa, e le ha e utlwa eka ke fela moya. Athe ke ha Seipati a bua le nna. Ke a bona le yona e ile ya nyaroha, ya ikutlwa e lokela ho thola le ho theetsa tsebe ya yona, e patile mohwasa, ha thoromedi ena e bua.
Kodisang, o ya kae ka nako e?
Na o ya ho abuti Moratehi?
Ke ya ho motswalle e mong wa ka teng. Lona le tla kgutla neng teng?
Motsheare wa mantsiboya hosane. Re tla tshwara terene ya hora ya bone. Ha re batle ho kgutla bosiu.
Ke ne ke se na morero wa ho kgutla tsatsing leo, ka ha tsa moo ke yang ke ne ke sa di tsebe.
E qotsitswe le ho lokisetswa morero ona ho tswa bukeng ya Sethabela N.
Polelo ena e temekisong ya tatolo (kganyetso), 'Ke ne ke se na morero wa ho kgutla tsatsing leo.'
Ha e le pelo ya ka yona e ne ntsieditse.
Polelong e latelang lentswe le ngotsweng ka botsho ke lekgethi. 'Ka baka la batho ba bangata re kene ka potlako'. Ngola sebopeho sa makgethi a ka masakaneng ka nepo. Ngola dipolelo ka botlalo empa o sehelle lekgethi la hao mola.
Kodisang o ne a na le taba (-holo) le Seipati.
Kodisang ha a qeta nako (-lelele) ho motswalle wa hae Orlando.
Lebitso lena 'mephofo' le bopilwe ho tswa ho motso wa leetsi '-phofa'. Ngola dipolelo tse latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa polelo ka nngwe.
Le ha Kodisang a ne a na le (-kgahla) ho Seipati, o ne a mo tshaba.
Qalehong Kodisang ha a ka a utlwa (-bua) ya Seipati.
Lentswe lena 'rutha' le na le meelelo e fetang bonngwe. A ko le sebedise dipolelong tse pedi moo o totobatsang moelelo ya lona e fapaneng.
Lentswe lena 'hloohong' polelong ena, 'diatla di tshetse lethala hloohong', ke lehlalosi la sebaka. Ngola polelo ena hape empa o lokise sebopeho sa lentswe la ka masakaneng ho nepahatsa moelelo.
Hang ha Kodisang a kena ka (kgang) ya terene feela a re ptjangptjang le Seipati.
Dikgomo tsa boKodisang di fihlile (mohwang) e sa le hoseng haholo.
Sebedisa maelana/dikapolelo dipolelong tseo e leng tsa hao ho bontsha kutlwisiso ya hao.
Lentswe lena '-bona' le ka sebediswa ka tsela e hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng.
Ho na le makopanyi a sebedisitsweng temeng e ka hodimo.
Sebopeho sa leetsi dipolelong tse latelang se fosahetse. Ngola dipolelo tse latelang ka nepo, o se o lokisitse sebopeho sa mantswe a ka masakaneng.
Kodisang o ne a sa (-itlwe) ka lebaka la pelo ya hae e neng e mo tsieditse ka nako eo.
Seipati o ne a sa (-utlwa) hantle ha a bua ka lebaka la modumo wa mabidi a tereme.
<fn>FINAL QP - Sesotho HL P3 - November 2007.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato e boletsweng ka hodimo.
Matsatsing a kajeno Afrika Borwa e tsieditswe ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi, haholo batjheng le baneng ba dikolo. Mmuso le mekgatlo ya setjhaba e eme ka maoto ho lwantshana le qaka ena. Tshebediso ya dinotahi le ya dithethefatsi batjheng le baneng e senya maphelo a bona jwang Wena o bona qaka ee e ka rarollwa jwang Ngola moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo moo o phehisang ka tharollo e ka sebediswang ke setjhaba. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Tharollo ya ka mabapi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi'?
Kgwedi e fetileng o ne o le mathateng, o iphumane o le hara kidibitlahadi ya taba, wa ba wa qetella o kwaletswe ke mapolesa. Se ileng sa o tetebetsa le ho feta e bile hore le maemo a ditaba le ona a ne a o tshwanela. Maele a reng 'Leshodu ke le tshwerweng' a ile a netefala. Ngola moqoqo moo o hlalosang maemo a ileng a lebisa kenyakenyeng ena eo o ileng wa iphumana o le hara yona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Ao tjhe, a tla a ntshwanela ana maemo a ditaba!'.
Malapeng a borona re ye re keteke mekete e fapafapaneng ho tloha ho e kang pitiki ho isa ho ya manyalo. Ka mora mokete o mong le o mong ho ba le tseo re ke keng ra di lebala. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: 'Mokete oo nke keng ka o lebala le kgale'.
Naha ya Afrika Borwa e shebane le mathata a bosenyi morao tjena. Letsatsi le leng le le leng ho ngolwa le ho balwa ka bosenyi bo jeleng setsi masedinyaneng. Maoba mona o sa tswa bona ka mahlo ha ketso ya bosenyi e etsahala o e shebile. O ile wa ba wa itela wa tshwara tau ka ditlena. Ngola moqoqo oo ho ona o phetang ka moo o ileng wa e namola ka teng. Sehlooho sa hao e be, 'Ka tla ka thusa, hoja tsietsi e ne e tobile motho wa heso'.
Ho tliswa ha demokerasi Afrika Borwa ho tlisitse tse ngata tse ntle. Kajeno Maafrikaborwa a ikotla sefuba ka ho tliswa ha papadi ya bolo ya mohope wa lefatse. Nakong ya lemo tse tharo lefatshe lohle le tla be le rotha mona Afrika Borwa. Phephetso e kgolo eo naha ena e tobaneng le yona ke ho itokisetsa ketsahalo ena e kgolo ya lefatshe. Na o bona boitokisetso ba rona bakeng sa ketsahalo ee bo tsamaya ka tshwanelo Na re etsa tsohle tseo re lokelang ho di etsa le hona ka lebelo le loketseng Ngola moqoqo o hlahise maikutlo a hao ka sena. Sehlooho sa hao e be, 'Boitokisetso ba rona bakeng sa mohope wa lefatshe wa papadi ya bolo'?
Ngola tema e le nngwe ya bolelele bo boletsweng ka hodimo.
O sebeditse hantle haholo ditlhahlobong tsa mariha kereiting ya 11. O pasitse dithuto tse tharo ka dinaledi. Mosebetsi ona o kgabane oo o o entseng o kgahlile batswadi ba hao haholo hoo ba o susumetsang hore o etse bongaka, empa wena o lakatsa ho latela lekala le leng la mosebetsi. Ba ngolle lengolo mme o tshehetse ka mabaka a hao ka dintlha tse utlwahalang.
O mongodi wa lekgotla la motse wa heno. Lekgotla le ne le tshwere kopano ya kgwedi le kgwedi ka Labohlano la beke e fetileng. Modulasetulo o o laetse ho tlisa ho yena metsotso ya kopano eo. Ngola metsotso le lenanetsamaiso tseo o neng o di ngole mohla kopano ya letsatsi leo.
E mong wa leloko o se a hlokahetse. Lelapa le kopa hore e be wena ya le rallang tokomane ya tsa bophelo ba mofu. Ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuwari) bakeng sa ho tla ballwa setjhaba ka letsatsi la lepato.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tse latelang.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Sebedisa dihlooho tseo ho nehelanweng ka tsona.
Motswalle wa hao o hlokahelletswe ke ntatae. O sitwa ho amohela se mo hlahetseng. Mo romelle karete ya matshediso eo ka yona o mo kgothatsang.
Motswalao o lokela ho o etela phomolong ena ya matsatsi a Keresemese. Ha a tsebe lapeng leno. Batswadi ba hao ba faletse moo le neng le dula teng ka lekeisheneng mme ba se ba rekile ntlo toropong. Mo ngolle o mo fe ditaelo ka ho mo hlalosetsa hore na o tla fihla jwang moo o dulang teng.
Batswadi ba hao ba sa tswa ho o thusa ho ipulela kgwebo jareteng lapeng.
Kgwebo ena ha e so hole le ho tsebisahala setjhabeng seo e se reretsweng. O batla hore kgwebo ena e tsebisahale motseng wa heno. Etsa pampitshana ya tlhahisoleseding (flyers) ho hohela le ho etsa hore kgwebo ya hao e tsebisahale ka dihlahiswa tseo o di rekisang.
<fn>Form - COID - W. Ac.33 - Sesotho.txt</fn>
Mona ke etsa kop, ya ho o "laela" le ho fana tumello ya hore ho lefuwe penshene ya ka akhaonteng ya banka e seng e boletswe ka hodimo. Ke a utlwisisa hore tjhelete e ke tla e kenyetswa e ke faneng ka tumello ya yona, e tla lefa ka khumouta ka sisitime e bitswang "EFT Magnetin Tape Service", hape ke utlwisisa hore ha ho na tsebiso ya tefo e eo banka e tla fana ka yona, empa dintlha tsa tefo ka nngwe di tla ngolwa setatementeng sa banka kapa voutjhareng e tsamayang le sona. (Mona ha ho kenyeletswe dikhante tseo banka e sa tlwaelang ho fana ka ditatemente tsa banka, mohlala, diakhaonte tsa dipolokelo kapa diakhaonte tsa transemishene). Ke utlwisisa hore dipenshene di lefshwa ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi e nngwe le e nngwe, kapa ha letsatsi la mshome a mahlano le le ka Sateretaha, ka Sontaha kapa e le la pomolo, ka letsatsi la tshebetso pele ho moo. Ha ho na bopaki boo ho tla fanwa ka bona hore yjhelete ya dipenshene di fela di lefilwe. Tumello ena e ka nna ya fediswa ke nna ka ho o fa tsebiso ya matsatsi a mashime a mararob ka lengolo, "le tla romelwa lengolo le tla romelwa ka poso le rejisetaruweng". Ntle le moo, ke paka hore dintlha tse boletsweng ka hodimo ke tse nepahetseng kahohlehohle le hore Mokomishenare wa Ditlhapiso ha a no behwa molato mabapi le tefo efe kapa efe e fosahetseng e ka hlahang ka lebaka la dintlha tse fosahetseng/tse sa fellang tseo ke faneng ka tsona.
<fn>Form - COID - W. As.10 - Sesotho.txt</fn>
Ne ke otsebisa hore kotlo e tla kenywa ke Mokomeshenara, etla kenngwa ka molawana wa section 87 (a) ya molao ha o hloleha ho ingodisa kapa ho tlisa foromo ya ditefo kapa ho patala assessmente.
Foromo ya goingwadisa e kgomahantshitsweng mmoho le foromo ya ditefo e tlatswe mme ekgatliswe matsatsing a 21. mme bohato botla nkuwa ha o hloleha ho ingodisa ka nako.
Haeba o se oingodisitse, fana ka referense, lebitso/la kgwebo leo o ongodisitseng ka bua ha o kgutlisa Lengolo lena.
<fn>Form - COID - W. As.11 - Sesotho.txt</fn>
Ho ya ka direkoto wena/tlelaente/mosebeletswa wa hao ha a ngodiswa Letloleng la Ditlhapiso. Molao o tlama ramosebetsi o mong le e mong ya hirang mohiruwa a le mong kapa ba bangata ho kenyeletswa le basebetsi ba nakwana/maloso ba sebetsang kgwebong kapa polasing, hore a ingodise.
Ela hloko hore o ka nna wa fuwa dikotlo mme o ka nna wa qoswa hape bakeng sa hohloleha ho ingodisa, ho romela diraporoto tsa meputso le ho lefa diasasemente.
Ke kopa hore o tlatse le ho romela foromo e kenyeleditswng ya ngodiso nakong yamatsatsi a 21 ho tloha ka letsatsi la lengolo lena.
Ha eba kgwebo/polasi e ngodisitswe, ke kopa hore o fane ka nomoro ya referense le lebitso/ lebitso la kgwebo leo ka lona wena/tlelaente ya hao a ingodisitseng ka lona ka tlase mme o romele lengolo lena.
<fn>Form - COID - W. As.150T(E) - Sesotho.txt</fn>
HO AROLWA HADIINDASETERI Ho arolwa ha diindaseteri ho ya ka dihlopha, ho itshetlehile hodima mokgwa wa ho lekangwa ha maemo a tsona, moo teng kgwebo e nkwang e le karolo e itseng e ikemetseng e kenyelletsang mesebetsi kaofela e amanang le yona mme ka lebaka leo dikuno ha di a lokela ho arohanngwa ntle feela le mererong eo ho yona ho etswang mesebetsi e ikgethang , mohlala, dikwaring, dikonterakeng, jwalojwalo, moo teng ho lokelang hore ho be le kgethollo e itseng.
Sehlopha ka seng se na le sehlotshwana kappa dihlotswana tse nang le ditefo tse behilweng tse ka thoko.
Ditefo di lekanngwa ho ya ka sehlopha sa indaseteri seo mohiriwa a sebetsang ho sona ka netefatso ya hore indaseteri ka nngwe e tla bokeletsa tjhelete e lekaneng e tla lefella ditshenyehelo tsa dikotsi nakong ya selemo seo sa asasemente le ditshenyehelo tse ding tsa tsamaiso tse ka bang teng.
Hona ho tla etsa bonnete ba hore sehlopha ka seng le sehlotshwana se jara boikarabelo ba ditshenyehelo tsa dikotsi se seng le se seng sa dihlpha tsena tse 23, hantlentle ke mokgatlo o kopanetsweng wa inshorense wa boramesetsi sehlopheng seo.
Ditekanyenyo (direiti) di lekolwa botjha selemo le selemo mme di lekanngwa nako le nako, ha ho hlokeha, ho bokeletsa tjhelete e hlokehang selemo le selemo mme dikeketso kapa diphokotso dife le dife di tswa ho hore na dikotsi di etsahala hangata hakae kapa di mpe hakae mabapi le kgwebo ka nngwe. Ka lebaka leo, ho molemong wa boramesebetsi, ntle le taba ya ho bontsha botho, ho ba le tjheseho ya ho thibela dikotsi le ho fumana tshebedisanommoho e tswang basebetsing.
Ke haholoholo mesebetsi ya thuo ya diphoofolo le e meng ya mapolasi e sa kgoneng ho hlaloswa tlasa karolo ya dihlotshwana jwalo ka ha ho hlalositswe sekaleng sa ditekanyetso, e tla lokela tekanyetsong ya sehlotshwana sena.
Kwgebo ya dikgetla; ho kutwa ha boya ba dinku; dikontraka tsa didipi jwaloka mosebetsi o ka thoko; tlhophiso le taolo ya dipontsho tsa boramapolasi; paterole ya tlhokomelo ya tlhaho.
Mesebetsi ya mapolasi moo rapolasi a shebaneng haholoholo le meru, tlhahiso ya meroho, dipalesa jwalojwalo le/kapa dijalo (ho phethola mobu mofuta ofe le ofe dijalo) ntle feela le tjalo ya lehlaka la tswekere(mmoba), teye, mme a na le terekere e le nngwe kapa tse ngata le/ kapa, disakga tsa metjhini, ho kutwa ha jwang, mosebetsi wa ho presa le/kapa dibale tsa tjhafo, lesere, jwalojwalo; temo ya difate tsa ditholwana; ho lema; ho ebola matokomane le/ kapa ho pola jwaloka kgwebo.
Ela hloko: Moo mesebetsi ya ramosebetsi ya ho ratha difate le/ kapa ho etsa mapolanka e sa itshetlehang patsing e tswang merung ya hae, mesebetsi e jwalo e ka wela tlasa Sehlopha sa VIII.
Mesebetsi ya polasi moo rapolasi a etsang mosebetsi wa thuo ya mehlape le ho lema ka ho ho lekalekana mme moo a nang le terekere e le nngwe kapa tse ngata le/kapa disakga tsa metjhini.
Mesebetsi ya mapolasi moo rapolasia etsang hlahisang haholoholo lehlaka la tswekere le/ kapa ho jala teye; ho etsa tswekere ho kenyelletswa le ho kga lehlaka la tswekere, ho laela, ho bekga jwalojwalo.
Mosebetsi wa ho tshwasa dihlpi, dikgetla tsa mafikeng, di-seal, jwalojwalo mesebetsi kaofela ho kenyelletswa ditokiso tsa diketswana le mesebetsi e meng kaofela ya basebetsi ba lewatleng, empa ntle le mesebetsi e lefatsheng ya ho prosesa; dikepe tsa difeketeri mesebetsi kaofela.
Merafo e ka tlasa lefatshe, (ntle le merafo ya mashala) le/kapa matsholo a ho batlana le mofuta ofe kapa ofe wa minerale, metale kapa mabejane kapa a seng a mannete moo mesebetsi e jwalo e phethwang ka dishafte, dithanele le di-wintjhe; konteraka ya toti ya merafo.
Merafo ya mashala.
Merafo e bulehileng, ho kenyelletswa le dikwari tsa matlapa, empa ntle le merafo le dikwari tseo ho ileng ha etswa ditekanyetso tsa tsona; ho fumanwa ha ditaemane lewatleng; merafo ya mahohodi a ditaemane le/kapa mesebetsi e ka hodima lefatshe e mabapi le ho fumanwa ha kapa ho batlana le mofuta ofe kapa ofe wa minerale, metale le mabenyane kapa mabenyane a seng a mannete, mosebetsi wa lehlabathe, kerabole le dipete tsa letsopa; ho fumanwa ha kgauta merafong yak gale, mesebetsi ya dipane tsa letswai, mosebetsi wa ho bora.
Kwari ya majwe, lehakwe, kalaka, jwalojwalo; ho kenyelletswa le ho silwa ha majwe le mesebetsi e meng e amanang le yona.
Mesebetsi kaofela ya ho haha, ho kenyelletswa le mosebetsi wa ho heletsa, dikonteraka tsa marulelo; ho penta, le ho polasetera eo ho sa etswang ditekanyetsoo tsa yona kae kapa kae; ho hlongwa ha majwe a mabitleng, ho etswa ha matamo a ho sesetsa, ho kenyelletswa le tlhokomelo e sa nkweng e le kgwebo e ka thoko; dikonteraka tsa metlakase; (Moo mesebetsi e boletsweng ka hodimo ya ho haha, e kenyelletsang mosebetsi o mabapi le meaho e nang le mekato e ka hodimo ho e mmedi kapa meaho e meng ya bolelele bo kahodimo ho dimetara tse 12, kotsi e ka hlahang e ka lekanngwa ka tsela e ikgethang).
(i)Dikonteraka ta disiling, ho kenngwa ha difuluru tsa bokgabo, mapolanka le ho kenngwa ha oona, mosebetsi wa bopolambara (dipompo) ba kgase ho kenyelletswa le ho kenngwa ha didreini malapeng moo mesebetsi e jwalo e amanang le kgwebo ya polambara(radipompo), ho kenngwa ha dithaele fatshe le maboteng; ho betlwa ha mabala a dipapadi, konteraka tsa asefalete jwaloka kgwebo e ka thoko; ho kenngwa ha disebediswa tsa tshireletso; ho etswa ha dirapana, ditshebeletso tsa dirapana, ho etswa ha dipheivimente; thibelo ya kgoholeho ya monu.(ii)Tlhwekiso ya difensetere.(iii)Ho kenngwa ha matshwao ho kenyelletswa le mengolo ya meaho.
ivTlhokomelo le tlhwekiso ya ya matamo a ho sesetsa jwaloka ka kgwebo e ka thoko.
Dithanele dife kapa dife, ho borwa ha mafika le/kapa wa ho phatlolwa o mabapi le sebaka sefe kapa sefe kapa mesebetsi ya metsi e sa bolelwang kae kapa kae, kappa e mabapi le boenjenere boenjenere ba tlhwekiso ya matlwana le/kapa ho kenngwa ha disuriji, ho borwa ha didiba.
Ke feela meputso ya bahiriwa ka ho otloloha e ileng ya sebediswa mesebetsing ena e lokelang ho arohanngwa ntle feela leha ramosebetsi a nka mosebetsi wa ho etsa dithanele, ho bora mafika le/ kapa wa ho phatlola jwaloka kgwebo, ha meputso kaofela e wela tlasa tekanyetso ena.
Ho borwa ha metsi le mesebetsi e meng hape ya ho bora e sa bolelwang kae kapa kae. Ho borwa ha metsi le mesebetsi e meng hape ya ho bora e sa bolelwang kae kapa kae.
Mesebetsi ya dipolane tsa matlo le/kapa ho kenyelletswa le mosebetsi wa ho hohola mobu ka metjhini e sa bolelwang kae kapa kae; ho etsa matshwao a tsela; ho etswa ha diforo tsa ho nosetsa; boenjenere ba tlhwekiso ya matlwana le/kapa ho etswa ha disuriji; ho hahwa ha marokgo le/ kapa ho lokiswa; ho kenngwa ha seporo; ho hahwa ha matamo, dithibelo tsa metsi, dithibelo tsa lewatleng le/ kappa mesebetsi ya boemakepeng; mesebetsi ya marengfose a tshepe.
b Ho dila mebila le diterata ka asefalete ke mosebetsi o amanang le ho betla ditsela. Mesebetsi ya rakonteraka wa asefaleteya etsang mosebetsi wa ho dila ditsela le/ kapa e wela tlasa tekanyetso ya sehlotshwana sa 0502.
Tlhokomelo le tsamaiso ya mesebetsi ya nosetso le mesebetsi ya metsi e sa kang ya bolelwa.
Ho hloma le/ kapa le ho qhaqha meaho ya ditshepe le dibaka tsa diindaseteri ho kenyelletswa le boenjenere ba ho etsa ditshepe; ho hloma le/ kappa ho qhaqha disekhafole, ho kenyelletswa le dishatara; mosebetsi ofe le ofe o mabapi le diphetoho, ditokiso kappa ho heletswa ha meaho, disetipole, dithawara kapa ditjhafo tsa ditjhemele tse fetang dimetaa tse 12 ka bolelele, jwaloka kgwebo.
Dilifti, dihitara, meya e fehlwang le/ kapa dihatsetsi, ho kenngwa ha dintho; ditokiso le/ kapa tlhokomelo ya haeba e nkwa e le kgwebo e ka thoko; ho kenngwa ha dibentemele le/ kapa terataq le/ kapa ditokiso jwaloka kgwebo e ka thoko, ho kenngwa ha terata ya motlakase.
Mesebetsi kaofela e mabapi le di-wholesale le kgwebo ya dibaka tse rekisang nama e sa bolelwang; dilakga, ho etsa dihwapa tsa bacon le nama, ho etswa mefuta e itseng ya dijo e tswang nameng; kgwebo ya mehlape, ho disa le ho e hlokomela, mosebetsi wa ho hlatswa di-ofale, jwaloka kgweb e ka thoko; ho hlahisa mafura kapa dihlahiswa tse ding tsa mafura jwaloka kgwebo e ka thoko.
Dihlahiswa tsa lebese ho kenyeletswa didepo tsa lebese; difeme tsa botoro le tjhisi; mabejana, difeme tsa lebese la kondase; difeme tsa aesekrimi, mesebetsi ya difeme tsa dibaka tse bolokang dijong ka dihatsetsing.
Ho etsa dihlahiswa tsa hlapi le/ kapa dikgetla dibakeng tse lefatsheng.
Ho paka ditholwana tse foreshe, ho di hlophisa ho ya maemo a tsona le/kapa ho di boloka.
Mosebetsi wa ho etsa jeme; ho e boloka le/kapa ho kenya ka makotikoting(dibotlolong) ditholwana, meroho, dijo, jwalojwalo, ho kenyeletswa le mosebetsi wa ho di hlophisa ho di boloka, jwalojwalo, ho etsa dijo tse omisitsweng.
Ho silwa ha koro le dijothollo ho kenyelletswa le mosebetsi wa thomello moo mosebetsi ona o etswang malwaleng; ho etsa dijothollo; ho etsa dihlahiswa tsa matokomane, tlhahiso ya oli e sebediswang malapeng (ntle le fishioli le oli ya peo ya khothone).
Mosebetsi wa ho baka, ho etsa dimonamone, dibisikiti, ditjhokolete, khoukhou le/ kapa le dipompong ho keneletswa le mabenkele a rekisang le ho fepela dibaka tse ding ka dihlahiswa tse boletsweng ka hodimo haeba mabenkele a mofuta o jwalo le didepo di laolwa ke difeme kappa d laolwa lebitsong la difeme tsa dihlahiswa tse boletsweng ka hodimo.
Mosebetsi wa ho etsa dijo tsa diphoofolo; ho sila lesere; ho sila dikgetla tsa di-oyster; ho sila phofshwana ya kheri, ho etsa phofshwana ya jeli; ho etsa macaroni; ho etsa seboloki sa dijo le sousu; mesebetsi ya asene tle leha ebe e tsamaya mmoho le difeme tsa diwaene moo ho sebetsang tekanyetso ya sehlotshwana sa 0642; ho etsa ditjhipisi tsa ditapole le/ kapa di-tjhipisi tse romotsehang jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa setatjhe; ho etsa tlulukose, tswekere ya maiketsetso; ho etsa tomoso; dihlahiswa tsa mefutafuta ya dijo e sa bolelwang kaekae.
Mosebetsi wa ho etsa metsi a dipudulwana a dimenerale; ho etsa seno sa ditholwana se ritelwang; ho etsa maro a ditholwana le dino tse ritelwabg tse reberebe. (e sa bolelwang kaekae); ho Kenya dino ka dibotlolong jwaloka kgwebo e ka thoko.
Mosebetsi wa thitelo le/ kapa ho etsa mmela ho kenyeletswa le didepo tsa thomello ya dintho.
Tshebediso ya mahoho le masalla a waene; ho tswaka, ho ritela le/ kapa ho etsa dino tse tahang tsa sepirirti, ho kenyeletswa le difeme tsa diwaene; ho etsa lero laa morara le/kapa sirapa ya morara, ho kenyeletswa le ho etsa dinkgisamonate haeba e le mosebetsi o etswang ke ramosebetsdi eo mesebetsi e meholo ya hae e welang tlasa sehlopha sena.
(i)Mosebetsi wa ho sila kofi, ho tswaka le/ kapa ho paka jwaloka kgwebo e ka thoko; ho besa matokomane jwaloka ka kgwebo e ka thoko ii Mosebetsi wa ho etsa disakerete le/kapa kwae le/kappa ho di boloka ho kenyeletswa le mesebetsing e amanang le hoo.
Ela hloko: Tekanyetso ena e boetse e sebetsa le ho boramesebetsi bao kgwebo ya bona e kgolo e leng ya barekisi ba teye le kofi mme ba etsang mosebetsi wa ho sila, ho tswaka le ho paka.
Mosebetsi wa ho etsa dikobo le diphahlo tse ding tsa mofuta o tshwanang le oona tse sa bolelwang kaekae; ho etsa masela; dilohwa. Ho hlatswa boya; ho ohla le/ kapa ho loha ditshwele; ho etsa masela a maqeba a sa bolelwang kaekae; ho hohla ditshila tsa dilohwa.
Ho hlwekise khotone le h etsa oli ya peo ya khotone; ho ohla masalla a khotone; ho etsa boya ba khotone.
Ho etsa mekotla jwaloka kgwebo e ka thoko (ntle le ya dipampiri kapa matlalo) e tswang dirolong tsa lesela, o etsa dintho tsa polasitiki ho kenyeletswa le masela a polasitiki le mekotla ya polasitiki moo ho sa etsweng mosebetsi wa ho foroma kapa ho bopa; ho roka mekotla ho etsa mealo e alwang ka tlasa dimmete; ho etsa materase; ho etsa dinete le diropo , ho etsa diseili le ditente ka dirolo tsa lesela, ho etsa diphahlo tsa seili; ho etsa disebediswa tse sa keneleng metsi tsa seili le dilohwa tse ding; ho etsa mehala, diropo le dikgwele; ho etsa mmete wa ditshwele tsa khokhonate le dimmete, jwalojwalo, ho etsa dihlahiswa tsa sisale, tse sa bolelwang kaekae, mekgabiso ya makoloi.
Mosebetsi wa ho roka wa bnono; ho etsa difaha tse rolwang molaleng, ho etsa dikepisi, dikatiba, le masela a maqeba a sepetlele moo ho sa ohlweng le ho lohuwa; mesebetsi ya ho roka; ho roka mese; ho rokamarikgweho etsa khotone e lohang; ho etsa disebediswa tse kopanyang masela; ho etsa dintho boya; ho etsa diaparo tse sa keneng metsi tse entsweng ka dirolo tsa masela a ohlilweng, ho etsa dikgaretene; mekgabiso ya ka matlung; ho etsa mesamelo le mesamo ya masiba; ho etsa mabone le ditshehetso (disetende) jwaloka kgwebo e ka thoko moo ramosebetsi a sa sebediseng lepolanka kapa metjhini e meng.
a Mosebetsi o m ong le o mong wa thibelo ya ho kena ha metsi ho kenyeletswa le ho etswa ha diphahlo tsa diseili tse sa keneng metsi o wela tlasa sehlotshwana sa 0712.
Ho etsa mapolanka jwaloka kgwebo e ka thoko, ho kenyeletswa le mesebetsi ya ho betla mapolanka.
Kgwebo ya sehahi sa benkeleng la ditshepe le ya metjhining e betlang mapolanka; dikonteraka tsa dibetli; ho sakga makgapetla; ho etsa di-beaver board; ho etsa ditafole tsa di-billiard; ho haha le ho lokisa dikepe, diketswana tsa di-launch, diketswana tsa diseili (faeba tlelase, patsi le seili); ho etsa mabokose, diteranka le makase a pakang diphahlo(a mapolanka); ho etsa dikhabinete; ho betla mapolanka, ho etsa meqomo le difaki; patsi e besang, ho etsa dipalo le disebediswa tsa erafo; ho etsa fenetjhara; ho kopnya mapolanka(ho joena mapolanka), (jwaloka kgwebo e ka thoko) ho etsa diboloko tsa fuluru tsa mapolanka; ho seta mapolanka (jwaloka kgwebo e ka thoko), ho etsa dibapadiswa tsa bana tsa mapolanka; ho etsa letsopa la patsi bakeng sa ho etsa dikhateboto, pampiri, selulose, jwalojwalo. Mesebetsi e meng hape ya ho sebetsa ka mapolanka e sa blelwang kaekae.
Ho hatisa le ho phatlalatsa; le/kapa ho etsa mabokose a di-strawboard; ho etsa dingollo; ho etsa mekotlana ya dipampiri le/kapa dipampiri tsa matlwana; mesebetsi kaofela ya mohwebi wa dipampiri eo hape a etsang dingollo le/kapa dikhateboto le kapa mabokose a di-strawboard; ho daya le ho seta; ho boloka pampiri le diboto nako e telele ka ho di vanisha.
Ela hloko: Moo feme ya ho hatisa hape e etsang mosebetsi wa bophatlalatsi, morekisi wa dibuka, morekisi wa dingollo kapa moetsi wa dingollo, mesebetsi ya mofuta o jwalo e nkwa e le e amanang le kgwebo ya mohatisi.
Difeme tsa diqhomane jwaloka kgweb e ka thoko ho kenyeletswa le kgokelo ya difiose tsa boipaballo disebedisweng tse qhomisang. Kgwebo ya ho kubeletsa, ho bolaya dikgoto, disenyi, ho ata ka ho sebedisa mokgwa wa dikhemikale kapa ho sebedisa ntle le kotsi ya letho.
Ho etsa diqhomane, asiti, dipi, sebolaya dikokonyana, le dikhemikale, ha feela mesebetsi ena kaofela e etswa morero o tshwanang; ho etswa ha ditlelabore (dilakalaka).
Ho etsa matswai a koroumu, phofo ya masapo, menontsha, pente e metsi, dikerayone, tjhoko, pente, khompaonde ya boilara, mokedikedi o soleterang le flax, sebolayadikokwanahloko, disenyi, sekgomretsi, leqhwa le/ kapa ho etsa dikhemikale tse sa bolelwang kaeka; tshilo ya menontsha le ho etsa kompose; ho etsa dibopeho le/ kapa ditjhupu tsa polasitiki;ho etsa dihlahiswa tsa polasitiki tse sa bolelwang kaekae; ho etsa lebidi la emery, ho etsa dikgase jwaloka kgwebo eka thoko; ho etsa khouku le/ kappa mashala jwaloka kgwebo e ka thoko.
Ho etsa dikerese le/ kapa sesepa ; ho etsa kerisi jwaloka kgweb e ka thoko, ho etsa oli ya peo ya khotone.
Poletjhe, dinkgisamonate, boikgabiso, meriane (ho kenyeletswa le dikhemisi tse di etsang), disebediswa tsa matlwana; ho etsa di-dipi le/ kappa enke; dibeter tsa disele tse omeletseng.
Oli (minerale) le peterole (ho e hlwekisa le/ kapa ho e tswaka), ho kenyeletswa le ho e reka e hlaha ka ntle le thomelo ekasitana le ho rafa le ho sebedisa tjhafo ya thobanaete.
Ho etsa ditempe tsa rabara; ho etsa dieta tsa rabara le tsa seili; ho etsa dimmete, jwalojwalo, ka dithaere tsa kgale, jwalojwalo; jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa theipi e kgomaretsang le e kwahelang.
Ntlafatso ya rabara ho kenyeletswa o etsa direterete jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa dihlahiswa atsa rabara tse sa bolelwang, ho kenyeletswa le thomelo ya dihlahiswa tse entsweng, ho etswa ha dithaere tsa rabara tse pompuwang.
Ho suwa le/kapa ho ntlafatsa makoko le matlalo jwaloka kgwebo e ka thoko; ho kgaola matlalo.
Ho etsa diaparo tsa matlalo, dibutshe, dieta le/ kappa disilipara; ho roka dieta; ho etsa diphahlo tsa matlalo tse majabajaba jwaloka kgwebo e ka thokoho etsa ditomo le/ kapa disale jwaloka kgwebo e ka thoko, mesebetsi e meng ya matlalo e sa kang ya bolelwa.
Ho etsa dikgalase le/ kapa dibotlolo; ho etsa mabone a masweu.
Mabone a loto, mekgabiso ya dikgalase, disebediswa tse methang le/ kappa ho kgabisa ka silivera ho kenyeletswa le kgwebo ya barekisis ba dikgalase.
Ho etsa samente le kalaka ho kenyeletswa le mesebetsi ya kaolini le 1210 mesebetsi e amang le yona ya dikwari.
Ho etswa ha dihlahiswa tsa konkreiti jwaloka ka kgwebo e ka thoko.
Ho etsa ditene, dithaele le/ kapa dipitsa tse bopuwang ho kenyeletswa le mesebetsi ya kgeps.
Ho etsa dihlahiswa tsa meralla (keranaete) le/ kapa mabole ho kenyeletswa le mesebetsi ya diemahale le ya ho betla ditshwantsho.
Tlhahiso ya tshepe le setala ho kenyeletswa le ho tlhophiso le mosebetsi kaofela wa dikwari le/ kapa ho rafa ekasitana le mesebetsi e meng e amanang le yona.
Dihlahiswa tsa tsa tshepe e phehilweng jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa dtofo.
Ho etsa bathene ya tshepe, di-kwatlakwatla, dihuku, leihlo, phini ya moriri le/ kapa dibetjhe tsa metale le dibroutjhu; ho etsa diithoye tsa loto le di-novelty; ho etsa dihlahiswa tsa ho soltera; ho etsa dikgaretene tsa Venetian le ditokiso tsa teng; ho etsa maoto a maiketsetso le ho a lokisa; ho etsa makoloi le dinomoropolata tse ding.
Ho etsa ditjhupu tsa metale; ho etsa fenetjhara ya metale, mamati le/ kapa difensetere; ho etsa dihlahiswa tsa masenke jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa terata, diporeng tsa terata, diropo tsa terata, disebediswa tsa terata, fense le/ kapa diheke; ho etsa dithini; ho etsa diphaepe tsa loto, mosebetsi wa semethe (radinotlolo) jwaloka ka kgwebo e ka thoko (ho kenyeletswa le disebediswa tsa dieta tsa dipere); ho etsa diforeimi tsa dibethe; ho etsa catelariho kenyeletswa le tokiso ya yona haeba e lokiswa ke moetsi, ho etsa dikala le ho di lokisa; ho etsa diforeimi tsa dibaesekelesenyanyatsi sa pente sa electro-static powder, ho penta metale; ho tlosa ruse dimetaleng, ho etsa dihlahisi tsa kgase ; beteri tsa mmotlakase; ho etsa di-accumulator le/ kapa di-eleketrode; ho etsa dikepe le/ kapa ho di lokisa (ntle le dikepe tsa kgalase ya faeba, mapolanka ka diseili) ho kenyeletswa le ditokiso tsa dikepe moo di laolang teng kapa moo di emiswang teng boemakepeng, kapa haufi le lebopo, kapa nakong eo di ntse di lekolwa; ho etsa diketane jwaloka mosebetsi o ka thoko, ho etsa dihlahiswa tsa aluminiamo le ho di Kenya; ho tjheseletsa jwaloka ka kgwebo e ka thoko; ho tlotsa metale ka senke jwaloka kgwebo e ka thoko; ho etsa dihlahiswa tsa metale ho kenyeletswa le kgwebo ya ngaka tsa disakga(di-saw doctor); boenjenere wa di-lighthouse le/ kappa kganya ya lewatleng; mesebetsi ya metale kapa noenjenere e sa weleng dihlopheng empa ntle le ho hlongwa ha dibopeho tsa setala kapa mesebetsi ya marengfose a setala e welang tlasa sehlotshwana sa 0530 kapa 0512.
Ho etsa dikheibole tsa motlakase, ho etsa mahare a boipaballo.
Ho etsa makoloi jwaloka kgwebo ho kenyeletswa le mesebetsi kaofela e mabapi le kgwebo ena.
Dikaratjhe tsa makoloi, ho kenyeletswa le sevisi le/ kapa ho lokiswa ha makoloi; kgwebo eo e leng ya monga yona ya tulo eo makoloi a lahlelwang ho yona (kappa sekerepeyate); kgwebo ya ramotlakse wa makoloi jwaloka ka kgwebo e ka thoko; diteishene tsa peterole le oli; kgwebo ya boradinotlolo; ho lokisa le/ kappa ho sevisa difofane jwaloka ka kgwebo e ka thoko; kgiro ya balebedi ba makoloi; kgwebo yaw a makoloi a matjha/ a kgale; kgiriso ya makoloi moo ho makoloi a lokiswang ho yona.
aThekiso ya diparete tsa makoloi le/ kapa makoloi jwalojwalo, ekasitana le lrephepelo ya peterole, oli/ kapa moya le oona ke mosebetsi o amanang le kgwebo ya monga karatjhe, ho sa natsehe hore na ditshebeletso tse jwalo di fumaneha dibakeng tsa dikarajhe kapa tjhe.
b Tekanyetso ena le yona e sebetsa morekising wa diparete tsa kgale haeba mosebetsi wa ramosebetsi e le ho qhaqha makoloi.
Kaho ya makoloi a thotang, dikhoutjhu, makaretjhe, le/ kapa makoloi jwaloka ka kgwebo e ka thoko; ho kobolla makoloi le ho a penta jwaloka ka kgwenbo e ka thoko; ho etsa diradieitara le ho di lokisa jwaloka kgwebo e ka thoko.
Barekisi ba ditaemane le majwe a mabenyane, ho kenyeletswa le boramabenyane, barekisis ba diwatjhe le ditokiso; ho etsa disebediswa tsa mahlo, ho kenyeletswa le kgwebo ya barekisi ba diborele; kgwebo ya disebediswa tsa dingaka le tsa borasaense le/ kapa le ya ho di etsa.
W. Cl.150T(E) 1420 Ho etsa dihlahiswa tsa asebesetose ha mosebetsi o jwalo e se karolo ya 1745 Ditshebeletso tsa dikgokahanyo morafo wa asebesetose. Ho etsa dihlahiswa tsa minerale wa bitumine.
Ditshebeletso tsa poso.
dkgwebo tsa disuphamakete/rakerosari (di-wholesale kappa mabenkele); morekisi wa dimonamone (eo kgwebo ya hae e seng ya ho baka kapa ho etsa 1800 Morero le tshebetso ya matla le mesebetsi ya lekgotla la toropo; lekgotla la dipompong); moemedi wa mmaraka, kgwebo ya di-wholesale le/ kapa ya mmasepala; lekgotla la mmasepala le nang le menyetla e ikgethang; lekgotla mabenkele ya botoro kapa mohwebi wa mahe; morekisi wa tlhapi, nama la lebatowa; ho kenyeletswa le mohlodi wa tlhahisoleseding; boto ya tsamaiso dikgoho le/ kapa nama ya diphoofolo tse hlaha (e seng ho di rua); mohwebi ya motes; boto ya motes; dikomiti tsa bophelo bo botle; taolo ya mobu, wa furu, dibewa kapa dijothollo; ; mohwebi wa ditholwsana; dikgwebo tsa lekweishene le/ kapa leruo mabapi le kamoo mesebetsi ya lekgotla la motse e boramapolasi le dikoporasi tse sa lekanngwang kae kapa kae; morekisi wa phethwang ka teng. meroho, kapa semousu sa ditholwana le meroho; morekisi wa dipalesa; morekisi wa peo; morekisi wa menontsha; morekisi wa ditapole; morekisi wa n 1820 Ho laola seteishene sa motlakase bakeng sa ho fehla le ho fepela ka ama e phehilweng, morekisi wa dinomaphodi jwaloka ka kgwebo e ka thoko. motlakase (jwaloka kgwebo e ka thoko).
Kgwebo ya di-wholesale le/ kapa diroki, barekisi ba diaparo, barekisi ba SEHLOPHA SA XIX DITSHEBELETSO TSA BOTHO, DIHOTELE, DIFOLETE, JWALOJWALO. diaparo tsa boya, morekisi wa dikatiba tsa basadi, ho kenyeletswa le di-wholesale le/ kapa mabenkele a rekisang dibutshe le dieta.
Kgwebo (di-wholesale le/ kapa mabenkele) ya diletsa tsa mmino, baka sa phomosetso; resetjhurente; tea-rumu, bara, itlelapo tsa setjhaba dikhomputa, disebediswa tsa motlakase tsa ka tlung, morekisi wa dividiyo, kapa naetetlelapo e sa bolelwang; institjhute ya masole. dithelevishene le diradio(waelese) ho keneletswa le ho di Kenya, ho di etsa le di lokisa; ho etsa le ho lokisa diwatjhe tsa motlakase, ho etsa dibetswa jwaloka 1910 Kgwebo ya ho hlwekisa le ya ho daya; teraetlelini ho kenyeletswa didepo tse ka kgwebo e ka thoko. amohelang; kgwebo ya dilondri.
Kgwebo ya: 1920 Kgwebo ya meriri; bakuti ba meriri; sebaka sa boikgabiso.
a-diphalo tse fumanehang ka thata, bonono, dintho tsa kgale kappa morekisi wa ditapeiti; mokgabisi wa matlalo; morekisi wa diaparo tsa dipapadi; 1940 Kgwebo ya ho pata bafu le bolaodi; ntle le mosebetsi wa ho etsa makase a mohwebi wa dibotlolo le mekotlana, mohwebi wa matlalo, morekisi wa bafu le ho btla diemahale; ho laola mosebetsi wa ho tjhesa ditopo; makgotla a dikgaretene le masela; mabenkele a maholo, morekisi wa diforeimi tsa difoto; mabitla. ralebenkele ya sa bolelwang kaekae.b-morekisi wa metjhini ya mapolasi le ya mabenkele kapa mehoma; kapa 1960 Tsamaiso ya sebaka, ho kenyeletswa le difolete tsa ditshebeletso, tsamaiso mohwebi wa mabenkele/di-wholesale tsa ditshepe ho kenyeletswa le ya makweishene le/ kapa leruo e mabapi le ka mo mesebetsi ya lekgotla la dikgaba le dithipa le mabankele a dithuluse jwaloka ka kgwebo e ka thoko, motse e sa phethweng ka teng le kamoo mesebetsi ya temo e sa phethweng kapa mohwebi wa metjhini ya diromelwantle le/ kapa mofepedi, kapa ka teng mesebetsi efe kapa efe ya temo e etswang e wela tlasa ditekanyetso mohwebi wa disebediswa tsa boenjenere, ya sa lokiseng eng kapa eng, bakeng sa Sehlopha sa 1, kgwebo ya mohlanka wa dipapatso ho mosebetsi wa ho kenya kapa ho hloma dintho. kenyeletswa le dibiliposting; sebapadi sa dipapatso le/ kapa seradi; c-morekisi wa dibaesekele tse swaetswang kapa metjhini e rokang ho mohlanka ya thaothang basebetsi ntle le kgiro ya basebetsi, sebaka sa ho kenyeletswa le ho e lokisa le ho e etsa.thola baromuwa; mafokisi a ditoro.
d -Morekisi wa fenetjhara di-wholesale le/ kapa mabenkele moo ho sa sebedisweng metjhni e betlang mapolanka mme haeba ho se na ditoro kapa 1970 Ditshebeletso tsa tshireletso.ho thothwa ha fenetjhara, jwalojwalo, e etswan; di-pawn shop. 1975 Ditshebeletso tsa ditjhankana.
Kgwebo ya:(a)-mohwebi wa samente, kalaka kappa mashala; moetsi wa disebediswa tsa SEHLOPHA SA XX BOITHABISO, DIPAPADI, JWALOJWALO.
b)-mohwebi wa diwholesale/mabankele a tshepe le setala kapa ditshepe tsa 2000 Taolo ya diholo tsa ditantshi, dipontsho tsa boithabiso, ho keneletswa le kgale kapa mohwebi wa disebediswa tsa merafong (moo msebetsi ena e diteatere le dibaesekopo, diholo tsa mmino, di-skating rinks, dipapadi tsa boitsebelo, di-wonderland arcades; tlhahiso ya difilimi, kgwebo ya ho aba, kenyeletsang ho qhaqhwa kapa ho heletswa , ho ho nthswa ha dintho dipontsho le dintjhafatso; kgwebo ya bokwetlisi ba mmele. dikepeng, tlasa metsi, tlasa lefatshe, jwalojwalo, dikotsi mona di ka lekanngwa ka tsela e ikgethang;2010 Kgwebo ya ho laola ditlelapo tsa makoloi; ditlelapo tsa dipapadi tse sa c-Metjhini ya mapolasi kapa ya nosetso kapa morekisi wa mehoma kapa bolelwang; ditlelapo tsa diketswana, tsa ho beisa ka diketswana le tsa mohwebi wa lebanele la ditshepe ho kenyeletswa le dikgaba le dithipa le diketswana tsa boithabiso tse se nang dikotsi tsa ho sesetsa lewatleng kapa mabenkele a dithuluse jwaloka kgwebo e ka thoko, kapa mohwebi ya tsa ho etswa ka mapolanka, promoutara ya ditebele kapa ya papadi ya ho diromelwantle le/ kapa mofepedi, kapa bahwebi ba disebediswa tsa betana, bukumeikara kapa monga sebaka sa ho betjha dipere.
kenyeletswa le ditokiso; Kgwebo ya boithabiso kapa monga diserekisi; monga sebaka sa boithabiso; d-mohwebi wa dipente, dikgomaretsi, disebediswa tsa dipolambara, mehala, reisisi ya di-stock car. dikeiti kapa disebediswa tsa diterata;2020 Kgwebo ya mokwetlisi kapa morekisi wa diperemonga seteibole sa dipere tsa e-morekisi wa dithunya ho kenyeletswa le thekiso ya dibetsa le mahlaahlela reisisi; kgwebo ya ho laola reisisi; tlelapo ya reisisi kapa ya dijoki.
f -mohwebi wa disebediswa tsa ho haha ntle le mesebetsi ya ho betla ka metjhini. SEHLOPHA SA XXI DITSHEBELETSO TSA BONGAKA, DIPETLELE TSA DIPHOOFOLO, JWALOJWALO.
Kgwebo ya ralebenkele, rakhemisi kapa ramethokgo, radifoto; mohwebi wa2100 Mesebetsi ya dingaka tsa meno; kgwebo ya dingaka; setsebi se sedilang disebediswa tsa difoto, rakwae; morekisi wa dibuka le/ kapa morekisi wa mesifa kapa radiolojisi, ho kenyeletswa le mekgatlo ya baoki le diambolense; dibuka, morekisi wa dithaeporaetara ho kenyeletswa le mabankele a thepa ya ngaka tse pehkolang maoto; kgwebo ya ho laola diinstitjhute tsa di-eleketrone diofisi; letrabolara le/ kapa moemedi wa difeme, mohwebi wa matlalo wa di-tsa bongaka.
wholesale (ya sa bolelwang); letlalo; mohwebi wa matlalo le boya kapa 2110 Kgwebo ya ho tsamaisa dipetlele; mahae a ditliliniki tsa ho pepa le tsa baoki; broukara, mohwebi wa dipampiri ya sa etseng mesebetsi ya ho etsa dintho; dilaboratori tsa diphuputso tsa bongaka; diasayelamo (asylums), disanatoria, mohwebi wa teye, kofi kapa tswekere, ya sa etseng mesebetsi ya ho hadika; ditliliniki, dikomiti tsa bophelo bo botle tsa malaria; kgwebo ya ngaka ya morekisi wa masiba kappa moetsi wa masiba kapa moetsi wa masiba a diphoofolo; setswadisi sa dintja; morati wa dinonyana; morekisis wa diruuwa phumolang; mohwebi wa rabara, morekisi wa dithaere kapa disebediswa ka tsa hae; kgwebo ya ho laola dipetlele tsa diphoofolo malapeng. makoloi.
khampane ya terasete, mekgatlo ya lepato ya diinshorense; broukara ya 2210 Kgwebo ya akhaontente; oditara; mmuelli e mohlo, leqwetha; setsebi sa setoko le dishere, morekisi wa matlo le setsebi sa ditjhelete; di-building diteransefere sa dithaetlelediti ofisiri ya dithaetlelediti; moemedi wa molao; society; makgotla a taolo; mekgatlo ya thuso ya bongaka, asesara. saveyara ya ditekanyetsomosebetsi wa bohlophisi le wa boqolotsi ba ditaba ha feela ho se na taba ya ho hatisa le/kapa ho phatlalatsa, ntle le phatlalatso ka poso; morekisis wa dikoranta; mosebetsi wa ho thaepa le wa ho duplikeita SEHLOPHA SA XVII BATSAMAISI BA DIPHAHLOKA DIFOFANE LE DIPALANGWANGjwaloka ka kgwebo e ka thoko; kgwebo efe kapa efe e sa bolelwang. JWALOJWALO.
Difofane; ho hlahloba le ho metha o le moyeng le ho nka ditshwantsho jwaloka SEHLOPHA SA XXIII DITSHEBELETSO TSA THUTO, JWALOJWALO.
kgwebo e ka thoko. 2300 Ditshebeletso tsa thuto ho kenyeletswa diyunivesithi, dikoletjhe, dikolo tsa ho 1710 Mesebetsi ya relewa, kgwebo ya ditekesi, dibese, dikolo tsa ho ithuta ho ithutela mesebetsi; ddikepe tsa thupelo; dibaka tsa bonono; dikolo tsa mmino; kganna; baemedi ba dipalangwang tsa relewa; tsamaiso ya dikheibole tsa diakhademi tsa ho tantsha kapa dikolo; dikolo tsa bana ba banyane; dikolo tsa boselamose; dilaeborari; dimusiamo; dirapana tsa dimela moo tsena di sa moyeng; thomelo ya dipasela.laolweng mmoho le mosebetsi kapa kgwebo e nngwe.
Kgwebo ya dikariki, rakonteraka wa dipalangwang kapa ditshebeletso tsa 2320 Tshebeletso mabapi le dirapana tsa naha, poloko le tlhokomelo ya dirapana matlwana; kgwebo ya ho hasanya menontsha. tsa diphoofolo; matsholo a ho tsoma.
Kgwebo ya mehahlaula, bohahlaudi, taolo ya dikepe; moemedi wa ho 2410 Mesebetsi ya mekgatlo ya basebetsi; makgotla a diindaseteri; kapa a amohela le/ kapa ho laela le ho laolla dikepe; le ditlelereke tse ngolang dintlha; diprofeshene; mekgatlo ya dikgwebo; matlole a ditshwanelo tsa batho bas a ntle le mesebetsi ya ho laela le ho laolla; ho laela kapa ho lokolla diteraka kapa sebetseng. Mesebetsi ya diinsititjhute tsa dithuso tsa setjhaba e sa weleng dikepe, moo tekanyetso e leng tlasa sehlotshwana sa 1722; ho hirisa makoloi tlasa sehlotshwana sefe kapa sefe, ho kenyeletswa le mekgatlo ya mo ho sa etsweng mosebetsi wa ho lokisa, dibroukara tsa dipalangwang.
mekgatlo ya thibelo ya sehloho diphoofolong; mekgatlo ya batho ba Kgwebo ya monga sekepe ya hirisang; raseketswana, bapholosi ba dikepe; kopaneng ka boithabiso, ditlelapo tsa masupatsela; mekgatlo ya thibelo ya 1722 matlakala; diteishene tsa dimishine.
rasekepe, mesebetsi ya ho laela le ho laolla dikepe, ho kenyeletswa le ho jwalojwalo., e sa bolelwang.
laela le ho laolla diteraka tsa relewa kapa dikepe; ho nyanyatsa dijalo ka sefofane.
Ditoro, ho kenyeletswa le ditlelereke le basebetsi ba ditoro ditorong le Haeba kgwebo kapa mosebetsi oo ramosebetsi a amehang ho oona, o sa bolelwa ka ho basebetsi ba ba laelang le ba laollang; kgwebo ya sepeketere sa ho laelwa ha toba Sekaleng sa Tekanyetso ya Maemo, Mokomishenare a ka sebedisa tekanyetso editholwana (dikepeng); mopenti wa dikepe kapa mhlwekisi.
Ho sebedisa le ho hlokomela diteishene tsa kgaso, ntle le mosebetsi wa ho na le tekatekano. Mabapi le dibroukara tsa basebetsi, tekanyetso ya maemo e hlokehang hloma. e tla amana le indaseteri yeo ho nang le bahiruwa ho yona.
<fn>Form - COID - W. As.153T - Sesotho.txt</fn>
Karabo ya kapele etla thabelwa ka boitsebiso bona bo hlokeha ho netefatsa direkoto tsa ofisi.
<fn>Form - COID - W. As.154T - Sesotho.txt</fn>
Lengolo laka la mohlala le re.
Ha ho se karabo matsatsing a mashome a mabedi a motso omong rate e hodimo ya takatso yaMokomishenare e tla kenywa.
<fn>Form - COID - W. As.16 - Sesotho.txt</fn>
Ke elellwa hore di tsa hao tsa raporoto/diraporoto tsa meputso ha die so finyelle. Ke kopa o tlatse foromo/diforomo tse kenyeleditsweng mme o di romele Ofising ena hanghang.
Ha dintlha tse batlwang di sa amohelwe nakong ya matsatsi a 21 ho tloha mohla letsatsila lengolo lena, asasemente, e tla etswa hodima meputso e tla akangwa, e tla nyollwamme asasemente ya mofuta o jwalo o ya ka Karolwana ya 83a ha e no fetolwa.
<fn>Form - COID - W. As.18 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le ngodiso ya hao le ofisi ena.
Ela hloko hore ngodiso ya hao tlasa nomoro ena ya referense...
Nakong etlang ha o nngolla ke kopa hore o bolele nomoro ya referense...
<fn>Form - COID - W. As.184 - Sesotho.txt</fn>
Ho ya ka direkoto tsa rona ha o a ngoiswa Letloleng la Ditlhapiso kapa nomoro ya hao yak gale e hlakotswe. Ke tlameho ho ramosebetsi e mong lya hirang motho a le mong kapa bahiruwa ba bangata (ho kenyeletswa bahiruwa ba nakwana/maloso) kgwebong kapa polasing, ho ingodisa.
Hape ke batla o elellwe hore ntle le kotlo efe kapa efe e ka fumantshwang ramosebetsi, kotlo e tla lekanngwa ke Mokomishenare, ho ka nna ha fanwa ka yona ho ya ka Karolo ya 87 (a) ya Molao, bakeng sa ho hloleha ho ingodisa kapa ho hlahisa meputso eo o e amohelang le ho lefa diasasemente.
Re kopa hore o tlatse le ho kgutlisa foromo ya ngodiso le tokomane ya lekgatho ya meputso nakong yamatsatsi a 2. O ka nna wa qoswa ha o ka hloleha ho ingodisa. Hape ke kopa hore o mphe le mabaka aentseng hore o hlolehe ho ingodisa ka nnako.
Haeba o se o ingodisitse, fana ka nomoro ya hao referense le lebitso/lebitso la bohwebi leo o ingodisitseng ka lona ka tlase mme o kgutlise lengolo lena.
<fn>Form - COID - W. As.19 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le foromo ya hao ya raporoto ya meputso/lengolo/fax ya la Ke o tsebisa hore ... Ya asasemente ya hao ke asasemente ya nakwana feela. Diphetoho tse seng kae tsa palo ya basebetsi ba hiruweng, ha di o etsa ho etswe phetoho e itseng. Ha asasemente ya hao e ka nyollwa bakeng sa ... selemong se tlang/selemong sena, hoo ha ho bolele hore ho tla ba etswa diphetoho tse itseng.
Ho sa le jwalo, bahiruwa kaofela ba hao ban a le tshireletso ya inshorense ho latela Molao.
<fn>Form - COID - W. As.2 - Sesotho.txt</fn>
Karolo 4 MOITLAMI/MOETELLIPELE KAPA MEMBARA KAPA PATENARA YA KGWEBO.
Totale ya tjhelete ya dijo le bodulo ba mahala ba ka mohiri...
Totale ya tjhelete ya tseding dithloko...
Tjhelete ya baetapele ba kgwebo...
Ke netefatsa hore dintlha dinetefatsa LEBITSO MOHOKAHANSI: ... TEKENA ...NOMORO YA MOHALA: (...) ... MAEMO...
<fn>Form - COID - W. As.20 - Sesotho.txt</fn>
Diforomo tsa diporoto tse kenyeleditsweng tsa meputso di lokela ho tlatswa ho ya ka nako/dnako jwaloka ha h supilwe.
Ha dintlha tse hlokahalang tse mabapi le meputso e lefuweng di sa finyelle nakong ya matsatsi a 21 ho tloha ka letsatsi la lengolo lena, asasemente e amahanngwang le tjhelete kaofela e ke e lekantseng, e tla nyollwa. Asasemente e jwalo e tla o tlama ho ya ka molao leha meputso e lefuweng ka mora mono e ileng ya romelwa e le tlase ho meputso e lekantsweng ke nna.
Ke kopa o tlatse foromo e kenyeleditsweng moo ho supilweng ka "X".
<fn>Form - COID - W. As.21 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le kopo ya hao ya la , bakeng sa ho ekeletswa nako mabapi le ho romela ... raporoto ya meputso, nka hlalosa feela ka hore Molao o tlama hore diforomo tsa diraporoto di romelwe selemo le selemo ka la 31 Tlhakubele kapa pele h moo.
Ledha ho l jwalo, ke qetile ka hore ke o ekeletse nako ho fihlela Empa ha feela mabaka a entseng hore o siuwe ke nako ya ho romela a kenyeletswa le diraporoto tsa hao tsa meputso tsa 20...
O tla otlwa ka tefiso h ya ka Karolwana ya 83 (b) ya Molao ha raporoto ya hao e ka amohelwa ka mora letsatsi lena.
<fn>Form - COID - W. As.22 - Sesotho.txt</fn>
Re hlokometse hore foromu ya meputso ya mohla...
Dintlha ho isa ho ... ha di a tlatswa.
Ka ka karetso ya meputso e patetsweng ho tloha ka olhlakubele thofihla jwale moo mohiriwa wa ho qetela a tlohelang e ka ba kalo ka R...
<fn>Form - COID - W. As.23 - Sesotho.txt</fn>
Mona ke o tsebisa hore beng kapa balekane tshebetsong ya kgwebo/polasi ha ba nkwe e le "bahiruwa" jwaloka ka ha Molao o hlalosa mme ka lebaka leo meputso ya bona, ha e a lokela ho hlahella raporotong ya hao ya selemo ya meputso ya lekgetho.
<fn>Form - COID - W. As.24 - Sesotho.txt</fn>
Ke hlokometse hore foromo ya hao ya raporoto ya meputso hore o ne o hirile bahiruwa ba ... nakong ya ... le hore tjhelete e kalo ka R... E ile ya lefshwa e le meputso.
Ho ya ka raporoto ya hao ya , o ile wa hira basebetsi ba ... mme meputso yaq bona kaofela ebile R...
Nka thabela, ha o ka ntlhalosetsa hore hobaneng ho ile ha ba le phokotseho e kanakana yap along ya bahiruwa le/ kapa ya meputso e ileng ya lefshwa.
Haeba palo ya basebetsi le/kapa meputso kaofela e bontshitsweng foromong ya raporoto e fosahetse, ke kopa hore o mphe mabaka mme o tlatse foromo e kenyeleditsweng ka nepo.
<fn>Form - COID - W. As.25 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le lengolo la hao/ raporoto (return) ya hao ya meputso ya la ho bonohala hore o nkile mesebetsi ya kgwebo/polasi ho...
Ke kopa o netefatse haeba o nkile kgwebo/polasi le matlotlo kaofela le melato, mme ha ho le jwalo ngodiso tlasa nomoro ya referense ka hodimo e tla dula e ntse e le lebitsong la hao.
Ho seng jwalo, foromo ya ngodiso e keneleditsweng e tla lokela ho tlatswa mme e romelwe Ofising ena ho etsetsa hore ke tle ke kgone ho o ngodisa waloka ka monga e motjha wa kgweo/polasi.
<fn>Form - COID - W. As.28 - Sesotho.txt</fn>
o se o se ramosebetsi, re tla hloka dintlha tse latelang ho wena: Tjhelete kaofela ya meputso e ileng ya lefshwa ho tloha ka la 31 Tlhakubele ho fihlela ka letsatsi leo mohiruwa a ileng a qetela mosebetsing ka lona.
Ha diforomo (di-return) tsa hao tsa meputso di sa finyele nakong ya matsatsi a 30,ke tla tlameha hore ke nyolle asasmente ya hao ya ho qetela e tsamayelanang lemeutso e tla lekanngwa ke nna.
<fn>Form - COID - W. As.30 - Sesotho.txt</fn>
Balanse mabapi le [(a) tlosa (b)] R...
Tefiso bakeng sa thomello e ihlielng ka mora nako/bohlaswa mabapi le ho rmela raporoto ya lekgetho ya meputso.
<fn>Form - COID - W. As.32 - Sesotho.txt</fn>
Ho latela tlaleho ea kotsi e etsahetseng ho ka...
<fn>Form - COID - W. As.36 - Sesotho.txt</fn>
Hoya ka boyona 20 Foromo ya meputso letsatsing la... fela pakeng tsa tjhelete e bontshitsweng moo diforomong tse pedi tsa meputso.
Kutlisiso ya meputso e nkelwa tlase. Karolo 82 ya molao e baleha jwana: haeba foromong ya meputso papisong le karolwana ya karolo (nngwe) tjhelete e bontshwang ele moputso e tlase ha tjhelete e patetweng Mokomishanara a ka fumana kotlo e sa feteng diperesente tse leshome tsa phaphang pakeng tsa tjhelete bontshitsweng le eo e leng yona.
Ela hloko hore kotlo o e fumaneng ha e fetohe hoya ka tlaleho eo ho fanweng ka yonaka lebakala ho se tshepehe.
Kotlo e ke se phumulwe.
<fn>Form - COID - W. As.37 - Sesotho.txt</fn>
Ho ya ka dipehelo tsa Karolwana ya 82 ya Molawana o ka hodimo, ho a hlokeha hore ramosebetsi a romelle diforormo tsa lekgetho (di-return) tsa meputso pele kapa ka la 31 Tlhakubele selemo se seng le se seng. HHa ramosebetsi a ka hloleha ho romela raporoto (di-return) bakong eno, o tla fumanwa a le molato, ho ya ka Karolwana ya 83 (b) ya Molawana o ka hodimo, mme o tla otlwa ka tefiso e sa feteng 10% ya asasemnete ya ho qetela.
Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho romella diforomo (di-return) e hlokehang nakong e behilweng mme bakeng sa morero on diforomo tsa diraporoto(i-return) di romelwa ho boramesebetsi kaofela ba ingodisitseng ka poso.
Diforomo tsa hao tsa lekgetho di ile tsa amohelwa ka la mme o tla lefiswa bakeng sa ho romela diforomo ka mora nako, mme ha ho na qenehelo.
<fn>Form - COID - W. As.39 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le ya diforomo tsa raporoto ya hao ya lekgetho ya meputso /lenglo/fax ya la...
Mesebetsi ya kgwebo/polasi e qetetse ka la Mesebetsi ya kgwebo/polasi e rekisitswe ka la ... Ha ho na basebetsi ba ileng ba hirwa ha esale ho tloha ka la ...E ile ya kopangwa ho tloha ... ka namoro ena ya referense ... Ha o a ka wa araba lengolo la ka la la...
Nakong e tlang ha ho ka etsahala hore o hire mosebetsi a le mong kapa ba bangata kgwebong/ polasing ya hao, o tla lokela ho ntjhafatsa ngodiso ya hao nakong ya matsatsi a 14.
<fn>Form - COID - W. As.5 - Sesotho.txt</fn>
Ke motho ofe kapa ofe ya nang le konteraka ya ho sebetsa le ramosebetsi mme mona ho kenyelletswa le bahiruwa banakwana.
Kuno ya Letlole lena e kentse haholoholo diasasemente tsa selemo le selemo tse lefuweng ke boramesebetsi ho yaka phesente e behilweng kapa reiti e lekantsweng ya meputso ya selemo le selemo e lefshwang bahiruwa.
Leha o le jwalo, Molao o dumella asasemente e tlasetlase ho etsa bonnete ba hore tjhelete ya asasementeha e katlase ho ditshenyehelo tsa tsamaiso.
Mafelong a kgwedi ya Pherekgong selemo le selemo, diforomo di romelwa ho boramesebetsi bohle ba ingodisitseng. Diforomo tsena d lokela ho tlatswa mme di romelwe pele letsatsi la 31 Kgweding ya Tlhakubele le feta.
Selemo sa ditjhelete sa Letlole la Ditlhapiso le qala ka kgwedi ya Tlhakubele ho fihlela ka kgwedi ya Tlhakolo selemong se latelang. Letlole lena le sreleditswe ke melawana e dumellang kotlo ho boramesebetsi ba hlolehang holefa diasasemente, kapa ba sa romeleng ditatemente tsa lekgetho ho ya ka tekanyetso ya diphesente tse 10 tsa asasemente.
Tekanyo ya asasemente, eo ramosebetsi a lekanngwang ka yona, e itshetlehile mofuteng wa merero ya kgwebo ya ramosebetsi. Mabapi le ho lekanngwa ha maemo, boramesebetsi ba arotswe ho ya ka dihlopha le dihlotshwana tsefapafapaneng ho ya ka mofuta wa mesebetsi ya bona.
Ditekanyetso tsa asasemente di lekantswe ho latela taelo e reng indasteri ka nngwe e lokela ho jara ditshenyehelotsa dikotsi tsa yona mme di lekolwa botjha selemo le selemo. Ka lebaka leo, phetoho efe kapa efe e tsamayelana lekotsi e kieng ya etshahala.
Boramesebetsi ba tsebiswa selemo le selemo ka tekanyetso e hlokehang mabapi le merero ya dikgwebo/mapolasiabona.
Molao o dumella ditlhapiso tse lokelang ho lefshwa bahiruwa ba lemetseng mosebetsing.
Ramosebetsi o o sireletsehile kgahlanong le diqoso tse ka etswang kgahlanong le yena ha ho ka ba le kotsi e kahlahang mosebetsing, leha e ka ba ka lebaka la bohlaswa bo itseng.
Mohiruwa ya lemetseng mosebetsing o lokela ke ho lefshwa ditlhapiso ho ya ka ka kglofalo e feletseng ya nakwana, le kgolofalo ya ho ya ho ile (ho ya ka hore kgolofalo ke e kae) le lefu.
Ditshenyehelo tsa dithuso tsa bongaka tse tla bang teng ka lebaka la kotsi e hlahileng mosebetsing di tla lefshwa nakoya dilemo tse pedi, kapa ho feta moo haeba phekolo ya bongaka e ka fokotsa kgolofalo.
Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe hape mabapi le tlaleho ya ditleleimi, sheba phamfoleteng ya W.C1.8.
Ho hlophisa boemo ba boramesbetsi ba lefang tjhelete e ngata ya diasasemente, e lekanngwang ho ya ka palohare ya ditshenyehelo tsa bona tsa dikotsi, tsamaiso e fana ka dipuseletso tsa ditshwanelo, ka mora dilemo tse ding le tseding tse tharo haesale hoba e thehwe. Phesente ya dipuseletso e lekanngwa ho ya ka palohare e pakeng tsa tjheleteya ditshenyehelo tsa ditleleimi tsa ramosebetsi le tjhelete ya diasasemente.
Maemo a ramosebetsi a ka na a phahamiswa kapa a theolwa ho ya ka hore na ditshenyehelo tsa hae tsa dikotsi ketse amohelehang kapa ke tse sa amoheleng.
<fn>Form - COID - W. As.52 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le metsotso ya hao: ya la...
Ke o tsebisa hore Ofisi ena ha e kgahlanong le diqeto tsa ho phumola lebitso la khampane/CC e boletsweng ka hodimo rejisetareng ya hao ho ya ka Karolo ya 37 ya Molao/Karolo ya 26 ya Dikhampane yas Molao o mabapi le di-CC.
<fn>Form - COID - W. As.54 - Sesotho.txt</fn>
Mabapi le metsotso ya hao ya la...
Mabapi le lengolo laka la ka la nomoruweng la Nka thabela ho utlwa hore na nka labella karabo neng.
<fn>Form - COID - W. As.76 - Sesotho.txt</fn>
<fn>Form - COID - W. As.8 - Sesotho.txt</fn>
KAROLO YA 1: DINTLHA TSA RAMOSEBETSI Tlatsa ka hara masaka a masweu ho latela ditaelo.
Nomoro ya selefounu 1.
Bahiruwa ka kakaretso ba ileng ba hirwa ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2004 ho fihla ka la 28 Tlhakola 2005.
Ela hloko: Haeba palo ya bahiruwa le/ kapa meputso kaofela e lefuweng e fapana hole le ya selemo se fetileng, bolela ka bokgutshwanyanemabaka a phapang eo.
ELA HLOKO HORE DI-RETURN TSA MEPUTSO, TSA Was.8, DI ROMELETSWE BORAMESEBETSI BOHLE BA NGODISITSWENG KA KGWEDI YA PHEREKGONG SELEMO LE SELEMO. KE BOIKARABELO BA RAMOSEBETSI HORE A BE A TSEBISITSE OFISI KA LA 15 TLHAKOLA HAEBA A SE A FUMANE FOROMO YA RAPOROTO YA MEPUTSO YA SELEMO LE SELEMO. DIFOROMO DI FUMANEHA WEBESAETENG YA RONA YA INTHANETE.
HA O KA HLOLEHA HO TLATSA LE HO ROMELA FOROMO YA LEKGETHO YA W. As.8, YA MEPUTSO NAKONG YA NAKO E BEHILWENG, KAROLO YA 83 YA MOLAWANA WA BORAMESEBETSI E FANA KA MATLA HO MOKOMISHENARE WA DITLHAPISO HO LEKANYA MEPUTSO. HAPE HO KAFANWAKAKOTLO, E SAFETENG 10% (DIPHESENTE TSE 10) TSAASASEMENTE YAHO QETELA.
Mohiruwa" ke motho ya nang le konteraka, kapa ya sebetsang tlasa konteraka ya tshebeletso kapa ya borupello kapa boithutwana leramosebetsi, ho sa natsehe hore na o na le konteraka ke a hlalositsweng kapa e sa hlaloswang ka ho hlaka, ya molomo kapa e ngotswengfatshe, kapa o lefshwa ho ya ka nako kapa mosebetsi o etswang, kapa o lefshwa tjhelete kapa ka ho fuwa ho hong e seng ka tjhelete mmemona ho kenyeletswa-amohiruwa leloso/nakwana ya hirwang bakeng sa kgwebo ya ramosebetsib molaodi ya sebetsang wa khampane kapa setho sa sehlopha sa khampane, ya nang le konteraka ya tshebeletso kapa ya borupello kapa boithutwana le khampane, ha feela mohiruwa eno a sebetsa mosebetsing wa mong hae ho ya ka dipehelo tsa konteraka e jwalo. Ntle le boradiabo kapa "balekane ba ipatileng" ba lefshwang feela karolo e itseng ya porofete kapa porofte e arolelanwang.
Motho ya thotsweng ke broukara, ya lefshwang ka tjhelete ya motho ya sebeletswang bakeng sa mosebetsi o etswang kapa tshebetso le bakeng sa tshebeletso, kapa mosebetsi, ya lefshwang ke broukara ya basebetsi, o nkwa e le mohirwa wa broukara ya basebetsi. Meputso ya batho ba jwalo ha e a lokela ho kenyeletswa tokomaneng ya lekgetho ya motho ya sebeletswang.
Ela hloko: Monga khampane kapa balekane kgwebong/polasing ha ba nkwe e le "bahiruwa" ho latela Molao mme ka tsela e jwalo, meputso ya bona ha e a lokela ho bontshwa.
Meputso ke tjhelete kaofela a ka mehla, pele ho ntshwa eng kapa eng, ekaba tjhelete kapa ho hong ntle le tjhelete ho lefshwang basebetsi.
Manane a latelang ha se a feletseng, empa sepheo ke ho pepesa mefuta e itseng ya meputso eo ho ka bang le dipelaelo ka yonamabapi le ho kenyeletswa le ho se kenyeletswe ha yona.
l Dibonase tsa mofuta ofe kapa ofe ho kenyeletswa le dibonase tsa ho putsa le dibonase tsa selemo le selemo.
l Tjhelete ya dijo le dikotase e fuwang bahiriwa e le karolo ya moputso wa bona. Tjhelete ya menyetla e ka thoko ho meputso e jwaloka koloi ya khampane, bodulo ba mahala kapa bodulo bo lefellwang tjhelete e fokoditsweng, jwalojwalo.
l Tjhelete ya maeto le ya mabaka a mang, e lefshwang ka mehla , e le karolo ya moputso kaofela.
l Moo mohiruwa a putswang ho latela lenaneo la menyetla, meputso kaofela ya menyetla , ntle le dikabelo tsa ramosebetsi tse jwalokatjhelete ya dikabelo ya thuso ya bongaka.
l Ovataeme e sebetswang ka nako tse itseng.
l Ditefo tseo e leng melemo feela.
l Menyetla e ke keng ya lekanngwa e ka thoko e jwaloka ka dikabelo tsa karolo e itseng ya lekgetho ya dithuso tsa bongaka tselefuwang ke ramosebetsi, jwalojwalo Ditefo tsa ho lefella dtshenyehelo tse ikgethang tse jwaloka ditshenyehelo tsa ho iphedisa le tsa maeto, tsa dijo le ditshenyehelo tsa dikopano tsa dikgwebo.
l Menyetla ya maeto le ya mabaka a mang e lefshwang ka nako tse ding.
l Haeba moputso wa molaodi/monga khampane e le wa porofete e arolelanwang, Molaodi/monga khampane ha a nkwe e le mohiruwaho ya ka Molao.
Ha mesebetsi ya hao e se e fedile, supa letsatsi la ho qetela la yona leqepheng le qalang mme o hlahise meputso yahoo qetela e senge lefuwe ho fihlela jwale.
Ka lebaka la ditshenyehelo tse ntseng di phahama ho ya ho ile, asasemente ya 2004 - 2005 e ekeditswe ho fihlela ho R360,00 ka selemo.
a Ho romela diraporoto tsa moraorao tsa lekgetho b Taba yah ore asasemente e se e patetswe kapa ho hlophsitswe ditefello tsa ho lefa hanyanehanyane.
c Kopo e lokela ho etswa ka nako beke e le nngwe lengolong le nang le dintlha tsa khampane, mabitso le diaterese, mme e ngolwefatshe.
d Re kopa o bolele nomoro ya ngodiso, ekasitana le dinmoro tsa founu le tsa fax le khoutu ya o letsa.
e Dikopo lebitsong la ramosebetsi tse etswang ke Ditsebi kapa Baemedi, di lokela ho ngolwa mme di tsamiswe mmoho le Matla afuwang Motho e Mong.
g Ho tshwaratshwarana le dintlha tsa mangolo ana ke tlolo e mpe ya molao.
<fn>Form - COID - W. Cl.110 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi:...
Ho hlokahala dintlha tse ding hape mabapi le mafu kaofela a mosebetsing, moo h hlokehang.
Hlalosa mefuta ya mesebetsi, mekgwa ya mesebetsi e sebedisitsweng le matheriale oo mohiruwa a ileng a pepeswa ho oona.
<fn>Form - COID - W. Cl.14 - Sesotho.txt</fn>
MOHIRUWA: Fane Mabitso ... Nomoro ya pasa ... Nomoro ya mosebetsing ... Aterese ya bodulo ... Khoutu ya poso ... Letsatsi la tlhaho... Bong ... O nyetse kapa o sengele ... Mosebetsi...
RAMOSEBETSI: Lebitso la ramosebetsi eo lefu lena le qhommeng mosebetsing wa hae Aterese...
Lebitso la ramosebetsi wa hona jwale kapa wa ho qetela...
Hlalosa ka moo mohiruwa ileng a tshwaetswa ka teng (bolela disosa tse bakileng kapa mokgwa)...
Letsatsi leo lefu le tlalehilweng ka lona ho ramosebetsi...
Letsatsi la ho bona ngaka kgetlo la pele...
Lebitso le aterese ya ngaka...
Letsatsi leo ka lona lefu le ileng la fumanwa hore keng...
Ka beke R Ka kgwedi R...
Ke paka hore dintlha tse foromong ena ho ya ka tsebo ya ka ke tse nepahetseng.
<fn>Form - COID - W. Cl.183E - Sesotho.txt</fn>
Mofuta wa ngollano: Lengolo/Akhaonte ho tswa ho: Diforormo: WCI.
tsa diduplikeitiHaeba e le teng, sheba Ngodisong ya ditleleimi No:e tla kenyeletswa.
Kenyeletsa faele/difaele tse latelang: No. : No. : No.
<fn>Form - COID - W. Cl.20 - Sesotho.txt</fn>
Sebedisa foromo ena hoya kamelao e kamorao NO.
Nomoro ya molato...
Letsatsi leo tshebetso e entsweng ka lona...
Letsatsi la kotsi...
Ho patala ha molato o phethahaditswe ka...
Kotsi eafuputswa mme molato otla hlahlobisiswa ha morao.
Mabapi le nqollano le rona sebedisa nomoro eka hodimo.
Dingaka kapa di petlele tse alabang basebetsi dikotsing hotshwanetse baikenye molatong le roromong, hape ba kenyeletse karolo B ya raporoto le dikhopi tsa raporoto ya pele ya kalafo.
<fn>Form - COID - W. Cl.22 - Sesotho.txt</fn>
Lebitso la mosebetsi: Mabitso a kolobetso Sefane ... Aterese...
Kalafo kappa sesosa sa lefu...
Hlalosa se bakileng ho kula kapa ntshetsopele ya mosebetsi...
Na mosebeletsi o loketse ho sebetsa...
Na mosebeletsi o na le amang mafu na haeba hojwalo hlalosa...
Nomoro ya molato PR No...
Foromo e lebiswe ho mohiriwa mokodi ka nako e kabang matsatsi a leshome le metso e mene ya kamora kalafo pele.
<fn>Form - COID - W. Cl.221 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi:...
Mohiruwa: Letsatsi la kotsi: ... Ramosebetsi:...
Bolela hore na ke leotong le LETONA kapa la LEQELE Maikutlo: ... Letsatsi: ... Aterese: ... Khoutu ya Poso:...
<fn>Form - COID - W. Cl.258a - Sesotho.txt</fn>
Nna kefana matla aka a hore tlhapiso e kalo ka R ... e salletse morao aleng thlapiso eo e ntokelang hoya ka karolo 49 ya molaoana letlole la ditlhapiso, (molao 30 wa 1941) hore ke e fumane, etla ho nna molaoana...
Ka kano e kahodimo, ke iphumana ke tseba ditokelo tsaka ka botlalo hoya ka molao karolong ya 102 ebile ka mabaka ao ke nale seabe ho yona ke badile kaofeela pele ke saena.
Na oa tseba le ho utlwisisa se bolelwang ke pampiri ya kano ANSWER:..?
Na o a e phehisa kano ena ANSWER:..?
<fn>Form - COID - W. Cl.258b - Sesotho.txt</fn>
Nna kefana matla aka a hore tlhapiso e kalo ka R ... eleng tjhelete eo hoya ka tshanelo e ke tshwanelang ho e fumana Ya karolo 52 ya letlole la ditlhapiso tsa dikotsi le mafu ya molaoana wa 1993 bolela, epatalwe ho...
Ka tumellano ena nna kea hlapanya hore ke a tseba ka ditokelo tsa ka hoya ka karolo 32 ya molaoana o boletsweng hape ka sepheo sa ditshwanelo ke phahamisa tokelo ho tlhapiso ejwalo.
Na oa tseba le ho utlwisisa se bolelwang ke pampiri ya kano ANSWER:..?
Na o a e phehisa kano ena ANSWER:..?
<fn>Form - COID - W. Cl.287 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi...
Lebitso le Fane ya Mokopi:...
Nomoro ya ID:...
Nomoro ya Penshene:(haeba o fumana penshene). Haeba o ile wa etsa kopo ya ho amohela penshene empa kopo ya hao ya hanwa, fana ka bopaki bo ngotsweng ba taba yeo...
LLebitso la ramosebetsi eo o neng o mo sebeletsa ha kotsi e tla hlaha...
Mofuta wa kotsi:...
Moputso wa hao hona jwale: R ka beke/kgwedi.
Tjhelete ya ditlhapiso eo ke ileng ka e amohela ho latela Molao wa Ditlhapiso wa Basebetsi wa 1941, e ile ya lefwa kaofela ha yona mme jwaleka ha e le mona ke phumana ke se na letho mme ake sa sebetse ha jwale, ke etsa kopo ya ho fumantshwa tjhelete ya dithuso tsa tlatseletso.
Na o kile wa amohela tjhelete ya dithuso tsa tlatseletso pele ho moo..?
moo o ikutlwang ka teng pelong ya hao?
Ke paka hore moikani o ile a dumela hore o a tseba mme o utlwisisa dintlha tsa phatlalatso e ileng ya etswa ka ho ikana ka pela ka le hore moikani o ile a saena/ a hatisa monwana wa hae moo ke leng teng a O a tseba le ho utlwisisa dintlha tsa phatlalatso EE/TJHEE...
b Na o na le boipelaetso bo itseng mabapi le ho nka kano: EE/TJHEE...
c EE/TJHEENa o dumela hore boikano bo hlalositsweng ke bo tlamang ho ya ka...
MMASETERATA/ MOKOMISHENARE WA DIKANO Lebitso le feletseng...
<fn>Form - COID - W. Cl.3 - Sesotho.txt</fn>
MOHIRUWA: Mohiruwa fane Mabitso ... Nomoro ya ID ... Nomoro ya mosebetsing ... Aterese ya bodulo ... Khoutu ya poso ... Letsatsi la tlhaho ... Bong ... O nyetse kapa o sengele ... Mosebetsi...
i Lebitso la ramosebetsi eo kotsi ena e etsahetseng mosebetsing wa hae ii Aterese ... Khoutu ya poso...
Kotsi e etsahetse neng, hokae Letsatsi Nako ... Sebaka..?
Mohiriwa o ne a ntse a etsa eng nakong eo mme kotsi e etsahetse jwang..?
Hlalosa ka botlalo mofuta wa temalo le bobe ba yona:...
Na ho na le motho ya ileng a bona ha kotsi e etsahala?
a Dibonase mohlaala tjheke ya bo 13...
b Moputso o mong o bolele...
Ka beke R Ka kgwedi R...
Ditlhapiso mabapi Molawana wa 1993 wa Ditlhapiso bakeng sa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing (oo pele ho neng ho thwe ke Molawana wa Basebetsi wa 1941) , mona di kopjwa mabapi le otsi e etsahetseng ka hodimo.
Ke paka hore dintlha tse foromong ena ho ya ka tsebo ya ka di nepahetse.
<fn>Form - COID - W. Cl.304 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi...
Kakanyo le phekolo e nngwe hape?
b Ke tsatsi lefe leo a tla fla ka lona bakeng a ho kgutlela mosebetsng wa hae wa ka mehla?
Na maemo a mohiruwa a kokobetse?
Ke paka hore ka mora tlhatlhobo ke ikgotsofaditse hore maemo a mohiruwa a bakilwe ke kotsi.
ELA HLOKO : Dirapororto tse hlalosang maemo di lokela ho romelwa ho ramosebetsi kgwedi le kgwedi o fihlela maemo a mohiruwa a a kokobela mme ho romelwa raporoto ya ho qetela ya ngaka.
<fn>Form - COID - W. Cl.31 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi:...
Mohiruwa: Letsatsi la kotsi: ... Ramosebetsi:...
Hlalosa hore na ke letsoho LA LEQELE kapa LE LETONA Maikutlo: ... Letsatsi: ... Aterese: ... Khoutu ya poso:...
<fn>Form - COID - W. Cl.32 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi:...
ne re nyalane kenyeletsa lenglo la lenyalo.
ne re nyalane ho ya ka melao ya setso le meetlo kenyeletsa lengolo.
ne re dula mmoho jwaloka monna le mosadi.
Ke mohlokomedi wa bana ba boletsweng ka tlase mme ba tlhkomelong ya ka.
Kenyeletsa mangolo a tswalo, mangolo a kolobetso, bopaki ba letsatsi la tswalo kapa ditatemente.
Ke imme/ha ke a ima ngwana wa lenyalong wa ohiruwa eo e seng e le mofu..
Ho tswa o ramosebetsi ya boletsweng ka hodimo ke amohetser R being...
Fane ya ka pele ke nyalwa ke mofu e ne e e...
Tshaeno ya shwetsweng/Mohlohadi/ Mohlokomedi...
Ke paka hore pele ke laola boikano/netefatso ena ke ile ka botsa moikani dipotso tse latelang mm eke ile ka ngola dikarabo tsa hae a le teng.
a Na o a tseba mme o utlwisisa dintlha tsa boikano boKarabo..?
b O na le boipelaetso bo isteng mabapi le ho nka kano eKarabo..?
c Na o dumela hore boikan o bo bo boletsweng el bo o tlamang pelong ya hao Karabo..?
Ke paka hore moikanio ile a dumela hore o a tseba mme o utlwisisa dintlha tsa boikano/netefatso ya hae ka pela mme tshaeno/monwana o motona o hatisitsweng/ letshwao l ile la hatiswa ke le teng.
Lebitso le feletseng Letsatsi...
Aterese ya kgwebo...
<fn>Form - COID - W. Cl.4 - Sesotho.txt</fn>
DILTHAPISO MABAPI LE MOLAO WA 1993 WA DIKOTSI LE MAFU A MOSEBETSINGMolao wa nomoro.
Mabitso lesifane sa mohiriwa Nomoro ya pasa ... Aterese: ... Khouto ya poso ... Lebitso la mohiri ... Aterese ... Khouto ya poso ... Letsatsi la kotsi...
Letsatsi la pele la kalafo...
Hlaloso ka botlalo ya kotsi (ese matshwao, kappa tjhebeho)...
Ntshetso pele ya kalafo: Letsatsi Ke mang...
a Hoya ngakeng eya/tjhee Ke mang ... Letsatsi...
a Na mosebeletsi ha a maenang a ho sebetsa...
b Letsatsi leo o loketseng ho: Tshebetso ya setlwaedi...
Nna ke nka kaho hore ka ho hlahloba mohiriwa ka bonna hore dikotsi tsa mohiriwa ke ka lebaka la kotsi jwalokaha hohlolositswe ka hodimo.
Teko ya ngaka Lebitso (Ka botlalo) ... Letsatsi (Lebothloka) ... Aterese...
Khoutu nomoro ya kgwebo...
N.B.: Raporoto ena e tshwanetse ho nehelwa ke mohiriwa a hlahetsweng ke kotsi kappa e romelwe ho mohiri matsatsing a leshome le metsoe mene ho thlola ka letsatsi la pele a bona ngaka.
<fn>Form - COID - W. Cl.46 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya referense:...
Mohiruwa: Letsatsi la Kotsi: ... Ramosebetsi:...
Lebitso la mopati wa bafu: Aterese: ... Khoutu ya poso:...
Na akhaonte lefuwe?
Ha karabo e le "EE" ke kopa hore o mphe lebitso le aterese ya motho ya pataletsweng ekasitana le resiti kapa bopaki bo kapa bofe ba ho lefa.
Lebitso le aterese: Khoutu ya poso:...
<fn>Form - COID - W. Cl.5 - Sesotho.txt</fn>
Mabitso le Fane ya Mohiruwa Nomoro ya ID ... Aterese ... Khoutu ya poso ... Lebitso la ramosebetsi ... Aterese ... Khoutu ya poso ... Letsatsi la kotsi...
Hlalosa phekolo(diphekolo)/teko(diteko) dife kapa dife tse ileng tsa etswa le letsatsi:...
Kakanyo le phekolo e nngwe hape..?
b Ke tsatsi lefe leo a tla fla ka lona bakeng a ho kgutlela mosebetsng wa hae wa ka mehla?
Na maemo a mohiruwa a kokobetse?
Ke paka hore ka mora tlhatlhobo ke ikgotsofaditse hore maemo a mohiruwa a bakilwe ke kotsi.
Tshaeno ya Saekhatristi/Ngaka/Saekholojisi/ E mong Lebitso (Printa) ... Letsatsi(le bohlokwa) ... Aterese...
Nomoro ya ngaka ya tshebetso...
ELA HLOKO : Dirapororto tse hlalosang maemo di lokela ho romelwa ho ramosebetsi kgwedi le kgwedi o fihlela maemo a mohiruwa a a kokobela mme ho romelwa raporoto ya ho qetela ya ngaka.
<fn>Form - COID - W. Cl.52 - Sesotho.txt</fn>
Mohiruwa: Ramosebetsi: ... Letsatsi la kotsi :...
Hlalosa ka ho hlaka ka moo ho ka kgonehang ka teng maemo a leihlo/mahlo, mme o supe ka ho hlaka ho ya ka ditshwantsho tse latelang se etsahetseng ka lebaka la kotsi maemong a hona jwale a leihlo/mahlo..
Ho ya ka maikutlo a hao tshebediso ya diborele e a hlokeha ka leaka la kotsi..?
Haeba pono e bohale ya leihlo e ka ntlafatswa ka ho lokiswa, empa taelo e se ya ho rwala diborele o ka hlalosa lebaka/mabaka a hao..?
Na o bile le dioporeishene tse entsweng Ha ho le jwalo, hlalosa hore ke tsa mofuta ofe mme ho etsahetseng..?
a. Mohiruwa o qadile neng ho fola bakeng sa ho kgutlela mosebetsing wa hae..?
b. A ka lokela ho kgutlala mosebetsing neng..?
Haeba karabo e le "E", tshwaya e nngwe ya tse latelang: R L...
Na ho na le tahleho sekeng sa leilho?
Dipolopia ka harehare ho 20 ya pono.
Dipolopia ka ntle ho bohare ba 20 ba pono.
Dipolopia ka ntle ho bohare ba 20 ba pono, empa nakong ya ho sheba fatshe.
Aterese e ngodisitsweng...
Khoutu ya poso...
<fn>Form - COID - W. Cl.53 - Sesotho.txt</fn>
Letsatsi la pele la ho ya ngakeng (hape ka mora e esahetseng):...
Mosebetsi wa mohiruwa (mme ke nako e kae a sebetsa):...
Phumano ya ngaka e reng..?
Re kopa o fane ka dintlha tsa dipatlisiso dife kapa dife ho netefatsa phumano ya ngaka?
Dintlha tsa kgale mabapi le mamemo:...
D ntlha tsa hona jwale: i...
Aterese e ngodisitsweng: : Khoutu ya poso...
<fn>Form - COID - W.G.29 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi...
Boipelaetso bona bo lokela ho romelwa ho Mokomishenare wa Ditlhapiso, P.O.
Bolela lebitso la moipelaetsi Founu: ... Aterese ... Khoutu ya poso...
Mokgatlo wa ramosebetsi kapa mokgatlo wa basebetsi wa motho eo qeto ena e nkuweng mabapi le yena nakong eo e neng e ntse e le setho...
Ela hloko: Lentswe lena "Ee" le lokela ho ngolwa ho bapaq le a kapa b kapa c, ha ho hlokeha.
Nomoro ya referense Letsatsi...
Hlalosa ka botlalo karolo ya qeto ya Mokomishenare eo o ipelaetsang ka yona...
Bopaki bofe kapa bofe ba tokomane (kapa dikhopi) tseo o lakatsang ho fana ka tsona o tshehetsa ngongoreho/dingongoreho tsa hao jwalo ka ha ho boletswe seratswaneng sa 5 bo lokela ho kenyeletswa mme di ngolwe ho ya ka mohala o ka tlase.
Sehlooho kapa tlhaloso ya tokomane i...
<fn>Form - COID - W.G.30 - Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya tleleimi...
Ela Hloko: Haeba sebaka forming ena se sa lekana bakeng sa araba potso efe kapa efe, mantswe, "setatemente sehoketsweng" se ka kenyeletswa tlalsa ntla e e amanang le yona mme setatemente se nang le dintlha tsehlokehang di tla lokela ho hokelwa. Setatemente se seng le se seng se tla lokela ho hlahisa dintlha tselekaneng ho se amahanya le kopo ekasitana le ntlha e e hlalosang.
Lebitso la mokopi...
Nomoro ya pasa...
Aterese ya mokopi Khoutu ya poso...
E lokela ho tlatswa feela haeba kotsi/lefu la mosebetsing le baka horehore motho a shwe. Bolela kamano ya mokopi ho mohiriwa ya hlokahetseng...
Nomoro ya pasa...
Lebitso la ramosebetsi...
Letsatsi la kotsi/la lefu la mosebetsing...
Sebaka sa kotsi/seo lefu leo la mosebetsing le etsahetseng ho sona...
Na ho na le ditlhapiso tseo ho seng ho fanwe ka tsona mabapi le -...
Haeba ho le jwalo, fana ka dintlha...
Ho thwe kotsi/ lefu la mosebetsing le qhomme ka baka la dikgaello tse itseng jwaloka ha ho hlalositswe karolong ya 56 2 Ee kapa Tjhee.
Na phoso eo e ne e le teng dibakeng, mosebetsing, femeng, semeleng, disebedisweng kapa metjhining kgwebong ya ramosebetsi (Bolela hore na ke dife mme o fane ka dintlha)..?
Bolela hore na ke mabaka afe ho thweng motho/batho ba boletsweng ka hodimo ba ne ba tseba kapa ba bile bohlaswa kapa ba ile ba hloleha ho thibela phoso dihlahisweng.
Hlalosa ka bokgutshwanyane mofuta wa bopaki bo paki ka nngwe e kgonang ho fana ka bona.
Bolela lebitso le aterese ya mokgatlo wa basebetsi, mmuelli wa molao kapa moemedi e mong feela haeba a le teng ya tla emela motho ya etsang kopo nyeweng ena...
Nna, Jwaloka mokopi tabeng ena, ke kana ka hore dintlha tse ka hodimo di nepahetse ho ya ka tsebo ya ka le tumelo ya ka.
E saennwe Ka la...
Kgweding ya 20...
<fn>GCIS.10ReasonsToTestForHivAids.2010-10-19.st.txt</fn>
Ke na le boikarabelo.
Re na le boikarabelo.
Afrika Borwa e nka boikarabelo.
Mabaka a 10 a hore hobaneng hona JWALE e le nako ya ho etsa diteko...
HIV e ka alafuwa le ho thibelwa. Nka boikarabelo mme o etse diteko kajeno.
Diteko le kalafo ya HIV ke mahala ditliliniking TSOHLE tsa mmuso.
Haeba o na le tshwaetso, o ka phela bophelo bo botle.
Haeba o na le tshwaetso, o ka itshireletsa tshwaetsong.
O ka itshireletsa le ho sireletsa ba bang tshwaetsong ya HIV - sebedisa dikgohlopo kamehla le ho fokotsa balekane bao o kenang thobalanong le bona.
Ho etsa diteko mmoho le molekane wa hao ho aha ho tshepana le tlhompho.
Eba mohlala ho ba lelapa la hao le metswalle. Etsa diteko kajeno le ho kgothaletsa ba bang ho etsa diteko.
Ha ho lesea le tshwanetseng ho tswalwa le na le tshwaetso ya HIV. Ho na le moriana o ka thibelang sena, EMPA o tshwanela ho tseba maemo a hao a HIV nako e sa le teng bokgatjhaneng ba hao.
Haeba o na le TB, e ka nna yaba o na le HIV. Etsa bonnete ba ho etsa diteko tsa HIV. Haeba o na le HIV, etsa bonnete ba ho etsa diteko tsa TB.
Afrika Borwa e nka boikarabelo bakeng sa bophelo ba hao bo botle. Na wena o tla nka boikarabelo neneng mme o etse diteko?
Haeba ha o na tshwaetso itshireletse le ho ipaballa - mme o tshware jwalo.
<fn>GCIS.FIFA.2010-10-19.st.txt</fn>
Re naha ya bobedi lefatsheng ya ho hlophisetsa mehope ya lefatshe ya khirikete, rakebi le bolo ya maoto.
Mabala a matjha a dipapadi ke a matle haholo lefatsheng mme ka kopanelo a tla kgona ho kenya batho ba ka hodimo ho 570 000.
Lebala la Dipapadi la Moses Mabhida le mane Durban le na le areka ya tshepe ya 105 m ka hodimo ho bokahare ba lebala, mme ka ho sebedisa koloi ya kheibole, babohi ba ka natefelwa ke tjhebahalo e ntle haholo ya Indian Ocean.
Soccer City e mane Johannesburg e nkile sebopeho sa seho (calabash), e leng senwelo sa setso sa bo-Afrika. Tikoloho e kantle e kwahetseng lebala e etsa 43 000 m2 mme e hahuwe ka methiriele wa tlhaho o tla baballa eneji. Ke lebala le leholo ka ho fetisisa la bolo ya maoto mona Afrika, le tla nka batho ba ka bang 95 000.
Lebala la Dipapadi la Mbombela le mane Nelspruit le lebatoweng le tsejwang ka botle ba lona ba dimela le diphoofolo tse hlaha, haufi le Kruger National Park. Sebopeho se seholo sa yona ke tshehetso ya marulelo ya 18 e tshwanang le dithuhlo.
Mabala a dipapadi a makeisheneng le ona a ntse a ntlafatswa, mme a mang a ona e tla ba dibaka tsa ho ikwetlisa.
Lebala la Dipapadi la Olympia Park mane Rustenburg.
Na o ne o tseba?
R25 miliyone e tla beeletswa ntshetsopeleng ya mekgatlo ya dikhoutu tsohle tsa dipapadi le ho ntshetsa pele talente ya rona ya dipapadi, ekasitana le ho ntlafatsa tlhodisano ya rona dipapading.
R212 miliyone e tla beeletswa dipapading tsa dikolo le tsa baahi nakong ya selemo sa 2010.
Lenaneo la dikolo le tla tlisa moya wa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa ho ba le dipapadi ka mokgwa o lokileng, ho ba le mekgwa e metle ya ho phela ekasitana le ditso tse ngata baneng ba dikolo ba 12 miliyone ka dipapadi, bonono le setso.
Tjhelete e kana ka R11,7 biliyone e beeleditswe lenaneong la dibopeho tsa motheo tsa dipalangwang bakeng sa ho etsa bonnete ba hore balatedi ba dipapadi, dihlopha le ba diphatlalatsi tsa ditaba ba tsamaya hantle ntle le tshitiso. Diprojeke tsa dipalangwang tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 ke karolo e nang le nyalano ya peeletso ya mmuso dipalangweng, e tla fetola mokgwatshebetso wa dipalangwa bakeng sa nako e telele molemong wa basebedisi le moruo.
Mebila ya rona, diporo le ditsela tsa dibese di ntse di ntlafatswa hore di tle di fane ka mokgwatshebetso o nang le nyalano wa dipalangwang. Hona ho kenyelletsa ditshibollo tse jwalo ka Rapid Rail and Bus Rapid Transit Systems, e kenyelletsang mela e ikgethang ya dipalangwang tsa bohle le mateano a phapanyetsano a basebedisi moo ba tla kgona ho tswa ho mofuta o mong wa dipalangwang ba kene ho mong hape. Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 o tla etella pele tshebediso ya mokgwa o nang le nyalano wa ditekete wa elektroniki, o tla etsa bonnete ba hore bapalami ba sebedisa tekete e le nngwe ho kena dibeseng, ditereneng le ditekesing.
Thelepoto ya sathalaete le dibopeho tsa motheo tsa dikgokahano ka mehala bakeng sa Mohope wa Lefatshe di tla tshehetsa bokgoni ba diphatlalatso tsa 40 gigabytes ka motsotswana mme di tla sebediswa le ka mora 2010 ho fana ka ditshebeletso tse batsi.
International Broadcast Centre e mane Johanneburg e tla ba yona e ka sehloohong bakeng sa ho amohela diphatlalatso tsa kgaso ho tswa mabaleng a dipapadi le ho di fetisetsa lefatsheng lohle.
Setsi sena se ka sehloohong sa phatlalaso se kenyelletsa "sehlopha" sa di-satellite dish tse tla sebetsa ho fihla tikolohong e etsang 5 000 m2. Palo e eketsehang ya babohi ba thelevishene bakeng sa ketsahalo tsa 2010 e tla fihla ho 26,9 biliyone.
Na o ne o tseba?
Lepetjo la rona la semmuso la Mohope wa Lefatshe wa 2010 le re KE NAKO. Keteka Botho ba Afrika "Ke Nako" lena ke lereo la Sesotho, Sesotho sa Leboa le Setswana le bolelang hore "nako e se e fihlile". Ke boipiletso ba hore ho ketekwe Afrika le botho ba yona ba mantlha jwalo ka sebaka se kenyang letsoho maitekong ohle a batho.
Ke kgetlo la pele nalaneng ya yona, FIFA e dumellang dibaka tsa bodulo tseo e seng dihotele, tse jwalo ka di-national park, di-bed and breakfast, di-lodge le di-guest house.
Re se re na le diphaposi tse ka bang 80 000 tse seng di lekotswe tsa ba tsa fumanwa di amohelehile - e leng tse ka hodimo ho palo e hlokwang ke FIFA ya 55 000.
Naha e tla ba le tlhokomelo ya bophelo ya motheo ya mahala dibakeng tsa semmuso, ditshebeletso tsa bongaka tsa tshohanyetso dihoreng tse 24 le tekolo ya matjhaba le ya selehae ya ho hlahella ha malwetse.
ho tla kengwa dikoloi tse ding tse ka bang 450 tsa diambolese sebakeng sa tseo tse leng teng.
Ho tla etswa ka hohlehohle hore diketsahalo le naha ya habo rona di a bolokeha.
ditsi tse nne tsa thekenoloji e hodimo haholo tse tsamaiswang ka dikoloi di tla fumana kgaso e otlolohileng ho tswa difofaneng le dikhemereng tse ding.
Ho tla kengwa bahlanka ba tshireletso ba ka bang 41 000 ba tla shebana haholoholo le tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010.
Na o ne o tseba?
Bakeng sa Seboka sa Lefatshe sa Ntshetsopele e Tswellang, Afrika Borwa e ile ya etella pele mmotlolo wa tshireletso o ileng wa ananelwa jwalo ka mokgwa o motjha o ka bapiswang matjhabeng - mme ona o se o amohetswe ke Matjhaba a Kopaneng jwalo ka motlolo wa diketsahalo tse kgolo.
Ho beeleditswe R1,5 biliyone bakeng sa ho ntlafatsa dikou tse kenang ka hara naha, mme le ditokiso bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 di ntlafatsa mekgwatshebetso ya bofalli hore ho be le ditsela tse se nang tshitiso tsa ho kena le ho tswa ka hara naha.
Re tla ba le di-visa tse tla ba tsona hantlentle tsa ketsahalo ena tse tla etsa hore bao ba nang le ditekete ba kgone ho kena ka hara naha ha bonolo.
Hona ho kenyelletsa ho potlakisa tshebetso tsa bofalli dikoung tsa ho kena ka hara naha ka ho potlakisa mela le tshebetso tse tswetseng pele tsa bapalami moo baeti batla lekolwa pele ba palama sefofane ho ya moo ba lebileng teng.
Ho tla thehwa mesebetsi e metjha e ka bang 415 000 ka ho hlophisetsa dithonamente tsena.
Ho se ho theilwe mesebetsi e metjha e 80 000 indastering ya kamohelo ya baeti le e 40 000 indastering ya ho haha.
Tjhelete e kana ka R55,7 biliyone e tla kengwa hodima gross domestic product ya rona ka 2010.
Tjhelete e ka etsang R2 biliyone e sebedisitsweng mabaleng a matjha a dipapadi e tla tswela malapa a a fumanang kuno e tlase molemo ka ho otloloha.
Ho tla sebediswa R8,5 biliyone mona Afrika Borwa ke baeti ba tswang dinaheng tsa ka ntle ka 2010.
Pakeng tsa 2007 le 2015, Afrika Borwa e tla be e hlophiseditse bahahlaudi ba bang ba ka bang dimiliyone tse pedi ba matjhabeng ka baka la ho hlophisetsa dithonamente tsena.
E tsejwang jwalo ka festivale ya bompodi, ketsahalo ena e hapang maikutlo ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA e bapalwa ke bafenyi ba dithonamente tsa mabatowa tsa khonfedereishene ya FIFA, bafenyi ba Mohope wa Lefatshe wa FIFA le bao ba tla beng ba hlophisetsa thonamente e latelang ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA. Ka motswako o kgahlisang wa dihlopha tsa maemo lefatsheng - ho kenyelletswa le dihlopha tse nne tsa lefatshe - le eneji ya setjhaba mabapi le ketsahalo ya bolo ya maoto, Mohope wa Khonfedereishene wa FIFA ke ntho e sa tshwanelang ho o feta.
Egypt ke se seng sa dihlopha se matla ka ho fetisisa ntle le qeaqeo mona Afrika. Ke sona sehlopha se atlehileng haholo nalaneng ya African Cup of Nations ka ho o fenya ka makgetlo a tsheletseng. Mokwetlisi: Hassan Shehat. Boemo ho FIFA: 22. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Ha nngwe. Dibapadi tse ka sehloohong: Hossam Hassan, Ahmed Hassan, Amr Zaky, Mohamed Zidan.
Mokgwa oo ba futuhelang ka ona le mokgwa o matla oo ba o sebedisang ke ona o etsang hore ba be boemong ba ho ipitsa bompodi ba Asia. Mokwetlisi: Jorvan Vieira. Boemo ho FIFA: 77. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Ha nngwe. Dibapadi tse ka sehloohong: Younis Mahmoud, Noor Sabri, Bassim Abbas, Nashat Akram.
Spain ha jwale ke sehlopha se boemong ba pele ha ho shejwa direnke tsa semmuso tsa lefatshe tsa FIFA. Mokwetlisi: Vicente Del Bosque. Boemo ho FIFA: Ha nngwe. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Kgetlo la ho qala. Dibapadi tse ka sehloohong: Fernando Torres, Xabi Alonso, Iker Casillas, Sergio Ramos.
Ka ho tshwanela ha ho bapala dithonamentng tse hlano tse fetileng tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA le ka mora ho atleha ho sireletsa thaetlele ya bona ya CONCACAF Gold Cup ka 2007 ka ho hlola Mexico ka 2-1, USA e nkuwa e le dikgalala tse sa natsuweng bolong ya maoto ya lefatshe. Mokwetlisi: Bob Bradley. Boemo ho FIFA: 21. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Hararo. Dibapadi tse ka sehloohong: Damarcus Beasley, Landon Donovan, Clint Dempsey, Tim Howard.
Ha ho na sehlopha sa naha nalaneng se kileng sa atleha jwalo ka Brazil. Ka ho hlahiswa dikgalala tsa bolo ya maoto tse jwalo ka PelÃ© le Ronaldinho, ke sona feela sehlopha se bapetseng Mohopeng o mong le o mong wa Lefatshe wa FIFA. Mokwetlisi: Dunga. Boemo ho FIFA: Makgetlo a mane. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Hahlano (bafenyi habedi). Dibapadi tse ka sehloohong: Ronaldinho, Adriano, Gilberto, Robinho.
"Ba basweu Feela" ka ho ya ka moo ba tsejwang ka teng, ba bile le seabo Mohopeng o mong le o mong wa OFC Nations haesale ho tloha ka 1973, mme ba fenya ka makgetlo a mane kaofela. Mokwetlisi: Ricki Herbert. Boemo ho FIFA: 54. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Habedi. Dibapadi tse ka sehloohong: Simon Elliot, Ryan Nelson, Chris Killen, Shane Smeltz.
Ke naha e kileng ya fenya mohope wa CAF African Cup of Nations ha nngwe le dithaetlele tsa COSAFA Cup habedi, mme "Bafana Bafana" e se e le malalalaotswe bakeng sa ho makatsa baeti. Mokwetlisi: Joel Santana. Boemo ho FIFA: 85. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Ha nngwe. Dibapadi tse ka sehloohong: Benni Mcarthy, Aaron Mokoena, Steven Pienaar, Teko Modise.
Ka ho fenya Mehope e mene ya Lefatshe ya FIFA, Italy ke e nngwe ya dinaha tse matla bolong ya maoto lefatsheng. Mokwetlisi: Marcello Lippi. Boemo ho FIFA: Habedi. Makgetlo eo se bapetseng ka ona Mohopeng wa Khonfedereishene ya FIFA: Kgetlo la ho qala. Dibapadi tse ka sehloohong: Fabio Cannavaro, Andrea Pirlo, Luca Toni, Gianluigi Buffon.
Natefelwa ke bolo ya maoto ya maemo ka tjhelete e tlohang feela ho R70 - Beeletsa setulo sa hao historing ya naha ena mme o be karolo ya Bompodi ba Bompodi.
Etsa kopo ka inthanete ho www.FIFA.com kapa lekaleng lefe kapa lefe la First National Bank naheng ka bophara.
"Kopanya" ke lereo la Sesotho le bolelang ho tlisa dintho mmoho dinaha tsa lefatshe ka bolo ya maoto kgetlo la ho qala mona Afrika ka Phupjane 2009. Moralo wa bolo o susumetswa ke mosebetsi wa bonono wa geometri wa batho ba ma-Ndebele.
<fn>GCIS. HangerText.2010-10-19.st.txt</fn>
Kena ho kgwebisano dipakeng tsa mmuso le setjhaba ho tshehetsa mahlatsipa a tlhekefetso.
Kenya ribone e tshweu ho supa maikemisetso a hao.
E ba le seabo diketsahalong le diketso tse fapaneng tsa Matsatsi a Boitseko a 16 tse etsahalang ho tloha ka 25 Pudungwana - 10 Tshitwe: Sheba dintlha tikolohong ya heno kapa fumana lesedi le eketsehileng ho: www.womensnet.org.
Ithaope ka nako ya hao mme o tshehetse mekgatlo e seng ka tlasa mmuso le dihlopha tsa baahi tse tshehetsang basadi le bana ba hlekefaditsweng.
Neelana ka tjhelete mekgatlong e sebeletsang ho qeta tshebediso ya dikgoka kgahlanong le basadi le bana ka ho e kenya ho Foundation for Human Rights. Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho: www.fhr.org.za kapa letsetsa 011 339 5560.
Bua kgahlanong le tlhekefetso ya basadi le bana: Kgothaletsa mahlatsipa a basadi a thotseng ho phephetsa tlhekefetso. Tlaleha tlhekefetso ya bana mapoleseng.
Kena diforamong tsa bopolesa ba metse kapa diforamo tsa polokeho ya setjhaba o thuse ho lwantsha botlokotsebe tikolohong ya heno. Ha o batla ho tseba haholwanyane, iteanye le ba seteishene sa sepolesa sa sebaka sa heno.
Haebe o hlekefetswa ka tsela efe kapa efe kapa o tseba motho e mong ya hlekefetswang , se ka sheba ka thoko - fumana thuso.
Ha o batla ho tseba haholwanyana ka ditshebeletso tsa mmuso, letsetsa 1020, ke mahala ha o letsa ka mohala wa ka tlung.
Ha o batla ho tseba haholwanyana ka ditshebeletso tsa mmuso, letsetsa 1020, ke mahala ha o letsa ka mohala wa ka tlung.
<fn>GCIS. HealthMinisterLetter.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 tshebeletsong/sebakeng sa lona sa thuto.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. HealthleafletDoc.2010-10-19.st.txt</fn>
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le Ditjhaba tse Kopaneng tsa Amerika ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang, mo naheng ya rona ho setse ho na le ditshwaetso tse fetang 3 000.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngaka Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa WHO mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, WHO e hlalositse ho nama ha sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme se ke ke sa emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo botle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,1% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
WHO e eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o ithimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng. Ke kahoo batho ba nang le matshwao a fokolang ba lokelwang ho alafuwa jwaloka batho ba nang le matshwao a sefuba se tlwaelehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere.
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o tlameha ho batla le ho fumana kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Institjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, e fumanwang Gauteng mme ha jwale e se e atoloseditswe le Kapa Bophirima. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratori ka bobona - ke ngaka ya bona e tlamehileng ho etsa qeto eo.
Re hlokometse hore ho na le diteko tsa batho ka bongata lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo WHO e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa mafu a belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathong bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diinsititushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le WHO ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente ejwalo e ka nna ya fumaneha dikgweding tse mmalwa tse latelang.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho bala molaetsa ona mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. HumanTrafficking.2010-10-19.st.txt</fn>
<fn>GCIS. Inaugurationleaflet.2010-10-19.st.txt</fn>
Ha re ketekeng tlhomamiso ya Moporesidente e motjha wa naha ya rona!
Dimilione tsa maAforika Borwa di bile le kabelo dikgethong tse akaretsang ka la 22 Mmesa 2009. Ka ho vouta, batho ba Aforika Borwa ba kentse letsoho tsamaisong ya demokrasi ya ho kgetha Moporesidente e motjha wa naha. Ka ha re se re tseba sephetho sa dikgetho, ke nako ya ho tlhomamisa Moporesidente e motjha wa Aforika Borwa.
Tlhomamiso ke eng?
Tlhomamiso ke mokete wa semmuso o bontshang hore ho qala sehla sa Mmuso o motjha. Ka letsatsi lena, Moporesidente e motjha o nkiswa kano ke Bookamedi ba Toka ba Aforika Borwa. Dihloho tsa dinaha le mebuso le baemedi ba mebuso ho hlaha dinaheng tse ding ba tla ketsahalong ena ya bohlokwa. Ho na le diketsahalo tsa mmino, tsa setso hape le tse ding moo moketeng ho keteka letsatsi leo.
Tlhomamiso e etsahala neng?
Selemong sena tlhomamiso e tla etsahala ka Moqebelo, ka la 9 Motsheanong 2009, ho tloha ka hora ya 11:00, Union Buildings, Pretoria.
Hobaneng letsatsi lena le le bohlokwa hakana?
Ka letsatsi lena, re keteka dikatleho tsa naha ya rona tsa demokrasi le ditokelo hape le menyetla eo re natefelwang ke yona naheng ya Aforika Borwa ya demokrasi, e sa kgetholleng morabe le bong. Ke letsatsi leo re ka kopanang ka lona re le setjhaba ho haha Aforika Borwa eo re leng motlotlo ka yona.
O ka ba karolo ya tlhomamiso jwang?
Diteishene tse mmalwa tsa thelevishene le radio di tla hasa tlhomamiso ena ka ho otloloha ka la 9 Motsheanong 2009 - mamela!
Ho tla boela ho tshwarwa diketsahalo tse ding dibakeng tse fapaneng ho phatlalla le naha - e ba karolo ya tsona!
Bakeng sa dintlha ka botlalo ka diketsahalo sebakeng sa heno, letsetsa 1020 (ke nomoro ya mahala ka mohala wa lapeng).
Re Sebetsa Mmoho ho Ntlafatsa Maphelo a Batho!
<fn>GCIS. KeyMessagesPublicParticipationWeek.2010-10-19.st.txt</fn>
Beke ya bonkakarolo yba Setjhaba ke sebaka moo ho matlafatswang dipuisano le tshebedisano mahareng a mmuso le batho. E fana ka monyetla bakeng sa mmuso ho phatlalatsa Lenaneo la ona la Tshebetso hammoho le tema e seng e kgathuwe. E kgothaletsa ho nka karolo le dilekane mahareng a setjhaba le mmuso.
Tshebedisano e tobileng mahareng a makala a mararo a mmuso (mmuso wa naha, porofense le wa lehae) mme setjhaba se tiiseletsa ntlha ya mmuso o ikopanyang le batho ba ona.
Bekeng ena, setjhaba le mmuso ba tla sebedisana ka diforamo tse thehilweng tse jwaloka dikomiti tsa dibeike le dikopano tsa makala ho hlahisa diphephetso tseo ba tobaneng le tsona hammoho le ho arolelana ditharollo.
Ho tla toboketswa ntlha ya ho fa setjhaba matla jwaloka bahlahisi ba ditharollo ka tshehetso ya mmuso o itahletseng ka setotswana.
Mohala o Iikgethilengwa mahala wa Moporesidente le ona o hlahisitse mekgwa ya tlatsetso ho matlafatsa puisano mahareng a mmuso le batho hape le ho potlakisa phano ya ditshebeletso.
Re rarolla diphephetso tseo esale di hlwauwa ho latela mekgwa e meng e fapaneng ha ho ntse ho buisanwa le batho le ka ho sebedisa dithuto tse ding.
Re bile le tswelopele ya bohlokwa dilemong tse 15 tsa tokoloho empa diphephetso tse ngata di ntse di tswela pele.
Peresente ya malapa a fumanang metsi e phahame ho tloha ho 61.7% ka 1994 ho fihla ho 91.8% ka Hlakubele 2009, ho lokelwa ho etswe dintho tse ngata ho atolosa tshebeletso bathong ba saletseng morao.
Re atametse haholo ho fihlella sepheo sa rona ho fedisa tsamaiso ya mabakete dibakeng tse seng di thehilwe hantle, sepheo ke ho fihlella tsena tsohle naheng ka bophara ka 2014.
Re dula re tshwenyehile ka mehato e phahameng ya tlhoko ya mesebetsi, bofuma, tlhokomelo ya bophelo bo botle e haellang hammoho le ntshetsopele e fokolang, haholoholo dibakeng tsa mahae le baipehing.
Ha re sebedise diforamo tsena ho sebedisana le baemedi ba setjhaba mme re lese ho senya meaho le disebediswa tse lokelang ho ba thusa..
Re tshwenyehile ka ditshebeletso tse diehang tse tshepisitsweng batho; re a tseba hore ho sebedisana le balekane ba mawa re ka fihlella tse ngata ebile ka potlako.
<fn>GCIS. LetterToBusinessLeaders.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 kgwebong ya lona le setjhabeng sa lona seo le se thusang.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. LetterToNgos.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 setjhabeng seo le se thusang.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. LetterToOrganisedLabour.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 mokgatlong le basebeletsing ba lona.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. LetterToReligiousLeaders.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 phuthehong le setjhabeng sa hao.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. LetterToSportsOrganisation.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 mokgatlong wa hao wa dipapadi.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. LetterToTraditionalHealers.2010-10-19.st.txt</fn>
ho kopa thuso ya lona le hore le kenye letsoho hammoho le ofisi ya lona e phahameng ho fetisa melaetsa ena ya bohlokwa ka ho phethahala e mabapi le Influenza A (H1N1) 2009 setjhabeng sa heno.
Lebitso la semmuso la saense bakeng sa lefu lena ke sewa sa sefuba A (H1N1) 2009. Le qadile Mexico le United States of America ka Mmesa selemong sena. Le qadile le tsejwa ka hore ke sefuba sa dikolobe (swine flu) hobane ho ne ho kgolwa hore le tswa dikolobeng sethathong. Ha jwale, kutlwisiso ke hore ke motswako wa dielemente tsa motho le tsa dinonyana. Kahoo, lefu lena ha ho na moo le amanang le ho ja nama ya kolobe kapa dihlahiswa tsa kolobe. Ha jwale le tsejwa jwaloka sewa sa sefuba kapa ka lebitso la teng la semmuso, A (H1N1) 2009.
Ho tloha ka Mmesa selemong sena, vaerase ena e ikadile ka potlako dinaheng tse 166 lefatshe ka bophara. Mona Aforika, ha jwale le ikadile dinaheng tse 16 fela. Nakong eo ke ngolang lengolo lena, vaerase ena e ne e se e tshwaeditse batho ba 177 457 (dilaboratori di netefaditse) lefatshe ka bophara mme ho se ho hlokahetse batho ba 1 457.
Motsotsong wa jwale mona Aforikaborwa, re se re netefaditse dinyewe tse 2 844 le batho ba hlokahetseng ba tsheletseng.
Kamora kopano ya bone ya Komiti ya Tshohanyetso e neng e tshwerwe ka la 11 Phupjane 2009, Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (MLBB) {World Health Organisation (WHO)} o entse qeto ya hore ho fumanwe mokgwa wa ho sebetsana le sewa sena sa lefatshe ka bophara mme Molaodikakaretso, Ngk. Margaret Chan, o phatlaladitse hore sena ke sewa e le kannete se (bohatong ba 6). Sena se bolela fela hore lefu lena le fetetse dinaheng tse ding diterekeng tsohle tsa MLBB mme e ikala ka sekgahla se matla haholo. Le ha ho le jwalo, ke rata ho toboketsa hore ntlha ya ho phatlalatsa hore sena ke sewa ha ho bolele hore lefu lena ha le matla kapa hona ho ba kotsi. Sena se bolela fela hore le ikadile hohle.
Ka la 6 Phupu, MLBB o hlalositse boikatiso ba sewa sena dinaheng tse amehileng le dinaheng tse ntjha e le seo ho ke keng ha iphaphangwa le sona mme le ke ke la emiswa. Ka lehlohonolo, le ha ho ka ba jwalo, ba hlokometse hore batho ba bangata ba tshwarwang ke vaerase ena ba ba le matshwao a fokolang. Le ha ho le jwalo, re le bahlanka ba bophelo bo bottle lefatshe ka bophara le mona lehaeng, re ntse re ngongorehile haholo ka lebaka la mafu a seng a hlahile ha jwale (lefatshe ka bophara ke 0,8% mme mona Aforikaborwa ke 0,2% ya batho ba amehileng) Hangata vaerase ena e batho ba dilemong tse 10 ho isa ho tse 29 - boholo ba batho bana ba dikolong kapa diinstitusheneng tsa thuto e phahameng.
MLBB o eleditse dinaha hore di tlamehile ho tobana le ho batlana le mekgwa ya ho kena dipakeng ho thusa setjhaba ho lwantsha lefu lena. Ka ho etsa sena, dipuisano tse phethahetseng di bohlokwa haholo.
Lefu lena le tshellanwa ka tshwaetso ya lerothodi, ke hore, ha motho ya tshwaeditsweng a hohlola kapa a ithimola mme wena o be o hula moya oo ba o thimotseng kapa ba o hohlotseng. Le ha ba ka hohlolla sebakeng fela mme o be o hula moya o sebakeng seo o ka tshwaetswa.
a kotsi haholo.
ho ikutlwa o se hantle ka kakaretso.
Boholo ba batho lefatshe ka bophara ba na le matshwao a fokolang mme ha ba hloke tlhokomelo ya bongaka e kgethehileng.
batho ba nang le lefu la tswekere (diabetes mellitus).
letshollo le matshwao a ho hloka metsi mmeleng.
motsekelo o mobe haholo le ho akgeha.
Motho ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng kapa a kotsi haholo o tlamehile ho potlakela ngakeng mme a fumane kalafo e potlakileng ya bongaka.
Diteko tsa semolao di etswa ke Intitjhute ya Naha ya Mafu a Tshwaetsanang, le fumanwang Gauteng mme e se e atoloseditswe le Western Cape. Diteko di tla etswa ke ngaka e hlwauweng. Bakudi ba hlokang tlhokomelo tsamaisong ya ditshebeletso tsa bophelo bo bottle tsa setjhaba ha ba a lokela ho kopa diteko tsa laboratory. Re hlokometse hore ana ke maemo a renang lekaleng la bophelo bo botle ba poraefete empa ha se seo MLBB e se kgothaletsang. Dingaka di lokela ho alafa dinyewe tse belaelwang ho latela dipehelo tseo Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le di hlakisitseng.
Kalafo e kgethuweng ke Tamiflu.
matshwao a kotsi haholo.
Kalafo ka bongata ya Tamiflu e tla baka hore mmele o hanane le sethethefatsi sa kalafo mme o tla se etsa hore se hloke molemo le bathing bao se ka bang le thuso ho bona mme se pholose maphelo a bona.
Diketsahalo le dipatlisiso lefatshe ka bophara di bontshitse hore ho kwala dikolo le diintsitushene tsa thuto e phahameng, mabenkele a maholo a dithekiso le dibaka tsa tshebetso ha ho ha eba le thuso ho lwantsha ho nama ha lefu lena, empa sena se bakile hore ho be le ditshitiso tse kotsi setjhabeng.
Re eletsa hore moithuti, titjhere kapa mosebeletsi ofe kapa ofe ya bontshang matshwao a bohareng o lokela ho dula hae. Haebe ho na le baithuti ba bangata le/kapa matitjhere a mangata a sa dutseng hae, institushene eo e amehang e lokela ho iteanya le Lefapha la Thuto, leo hammoho le baokamedi ba bophelo bo botle ba tla fana ka dikeletso hore ho nkuwe mehato efe.
haebe o bona matshwao a fokolang, dula hae mme o iphapanye ho kopana le batho.
Ke lakatsa ho le netefaletsa hore ntho e nngwe le e nngwe e matsohong a borasaense lefatshe ka bophara mme ba sebedisana le MLBB ho Ieka ho hlahisa ente. Haebe dintho di tla tsamaya hantle, ente e jwalo e ka nna ya fumaneha nakong ya dikgwedi tse mmalwa. Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore batho ba bangata ba tla e hloka e le kannete mme sena se tla baka kgatello tlhahisong e haellwang - bokgoni bo siyo tlhahisong mona Aforika.
Ke lakatsa ho o leboha ha o nkile nako ho ipalla lengolo lena mme ke batla ho o leboha ka ho kenya letsoho phatlalatsong ya molaetsa ona le ho leka ho tla ka mekgwa ya ho kena dipakeng ho lwantsha sefutho sa lefu lena.
<fn>GCIS. TowardsAFifteenYearReview.2010-10-19.st.txt</fn>
Ha re ne re fumana tokoloho ka 1994, batho ba Afrika Borwa ba ile ba laetsa mmuso wa bona wa demokerasi hore o sebetsane le ho siilweng ke aparteiti - haholoholo ho se lekane, bofuma le kgethollo. O ne o lokela hape le ho busetsa naha dikamanong tsa ona le dinaha tsa matjhaba tse ileng tsa qhella thoko Afrika Borwa ya aparteiti.
Ka 2004, ka mora dilemo tse 10 tsa demokerasi, ho bile le kgatelopele e ngata haholo, empa ho sa le hongata ho sa ntsaneng ho lokelwa ho etswa. Le ha re ile ra sebetsana le mathata ao re a sietsweng ke aparteiti, diphetoho tse leng teng setjhabeng sa habo rona di tlisitse diphephetso tse ntjha.
Mathwasong a Mokgahlelo wa Bobedi wa Dilemo tse Leshome tsa Tokoloho, ba bangata ba ne ba ntse ba sa kenyelletswa ikonoming ya naha mme ba sa fumane le karolo e lekaneng ya moputso wa kgolo. Le ha tse ngata di ntlafetse moo mmuso o bileng le taolo - jwalo ka ditshebeletsong tsa setjhaba - dintho di tsamaile butle haholo moo mmuso o neng o tshepetse hape diketsong tsa ba bang, jwalo ka ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi. Mmuso ka boona o ne o lokela ho sebetsa hantle haholo mme o fane ka tshebeletso e ntlafetseng.
Dikgetho tsa 2004 di ile tsa laetsa mmuso ho kenya mananeo a ho ntshetsa pele - le ho potlakisa - mesebetsi e tlisang tshepo le ho rarolla diphephetso. Ka ho etsa boipiletso ba tshebedisano setjhabeng sohle, o ile wa beha maikemisetso a ho fokotsa bofuma le tlhokeho ya mesebetsi ho ya ho 2014.
ho ntlafatsa tshebetso, letsholo la ntwa kgahlanong le botlokotsebe le dikamano tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding.
Mme jwale, ka mora dilemo tse 15?
Motheo o ileng wa hlongwa Dilemong tsa ho Qala tse Leshome tsa Tokoloho le mesebetsi e metjha ho tloha ka 2004 e beile Afrika Borwa tseleng ya kgolo e potlakileng. Ho sa le jwalo, ho bile le diphephetso tse ngata hona moo. Tse ngata tse ntjha di ile tsa kopana le diphetoho setjhabeng sa habo rona le lefatsheng leo re leng karolo ya lona.
Jwalo ka ha re lebile pele, re lokela ho ithuta dithuto tsa nakong e fetileng.
Nakong e ka etsang dilemo tse 15 tsa tokoloho, na sephetho sa maano a mmuso mabapi le ho thusa Afrika Borwa ho fetela setjhabeng se theilweng tekanong, tshebetsong tse se nang kgethollo ya borabe le kgethollo ya bong ke sefe Mmuso o atlehile ha kae ho phetha seo o ipehetseng hona ho se etsa, mme na hona ho ka ntlafatswa jwang?
Tsena ke dipotso tseo mmuso o di botsitseng ha o ne o etsa Tekolo ya Dilemo tse Leshome le Metso e Mehlano.
Ho ile ha etswa diphuputso ka hara mmuso le ke batho ba ka ntle. Diphetho di ile tsa phatlalatswa ho ba tokomane ya ditherisano.
Sepheo ke ho kgothaletsa e mong le e mong ho buisana ka ditaba tsena jwalo ka ha naha ya habo rona e tswela pele ho bopa setjhaba se setjha.
Na dintho di ntlafetse jwang Ke dife dintho tse sa ntlafalang?
Ke phapang efe e entsweng ke batho le motho ka mong Na ke ditsela dife tseo re ka sebetsang mmoho ka tsona ho ntshetsa pele dintho?
Tokomane ena ke kgutsufatso ya Tekolo ya Dilemo tse Leshome le Metso e Mehlano ya mmuso. Pehelo e felletseng e fumaneha ho South Africa Government Online (www.gov.za).
Haesale ho tloha ka 2004, tsepamiso ya maikutlo e bile matlafatsong ya demokerasi le ntlafatsong ya tshebetso ya mmuso.
Demokerasi ya molao wa motheo - ho bopilwe ditheo tse matla le ditshebeletso tsa toka le boahlodi tse ikemetseng.
basebetsi ba ntshetsopele ya baahi - ho rupelletswe ba ka bang ka hodimo ho 3 000.
boetapele ba setso seabo ho mokgwa wa rona wa tshebetso wa demokerasi.
Ho leba mmusong o etsang dintho ka bolokolohi hape o sebeletsang pepeneneng: - Molao wa Kgothaletso ya Phihlelo ya Tlhahisoleseding (Promotion of Access to Information Act) wa 2000, o neha baahi ba naha mokgwa wa ho fihlela lesedi, haholoholo le tshwerweng ke mmuso.
Batho Pele e beha "Batho ka Sehloohong" jwalo ka motheo wa tataiso wa Ditshebeletso tsa Mmuso Setjhabeng.
diboka tse tharo tse neng di le kgahlanong le bobodu pakeng tsa 2001 le 2008 di ile tsa atolosa ntwa kgahlanong le bobodu setjhabeng sohle.
Ho fetola Tshebeletso ya Mmuso Setjhabeng - dilemo tsa ho qala tse 10 re bone kgatelopele e kgolo ya ho kopanya ditshebeletso tsa setjhaba tse arohaneng ho ba Tshebeletso e kopaneng ya Mmuso Setjhabeng. Tshebeletso ya Mmuso Setjhabeng jwale e na le boemedi bo felletseng ba setjhaba sohle.
Thero, ho beha leihlo le tekolo di ntse di matlafatswa.
ntlafetseng le Tshebeletso e le nngwe ya Mmuso Setjhabeng.
mmuso ka Phato 2008.
Ho tloha ka 2004, Projeke ya Matlafatso (Project Consolidate) e ile ya bopa bokgoni ho bomasepala ba ka bang 136 ba nang le mathata a ikgethang. Ka 2006, mokgwa wa ho phetha mesebetsi ka matsoho o ile wa kengwa Lenaneong le yang ka Leano la Dilemo tse Hlano la Mebuso ya Selehae.
hore ho be le dikamahano tsa kgafetsa pakeng tsa baemedi le baahi ba naha.
Tshebeletso e yang setjhabeng e hloka hore e matlafatswe haholo dikarolong tse ngata.
Bofokodi ba ho qala mesebetsi bo sitisa tshebetso ya matsholo a twantsho ya bobodu.
Mmuso, haholoholo bomasepala, ba na le diphephetso tsa ho thaotha le ho boloka batho bao ba ba hlokang.
Mananeo a kahisano a entse ho hongata bakeng sa ho ntlafatsa maphelo a batho, empa ho ntse ho hlokeha ditharollo tse ding tsa nako e telele.
Lenaneo la dithuso tsa setjhaba - hona e bile ntlha e ka sehloohong bakeng sa ho fokotsa palo ya batho ba fumanang kuno e tlase haholo. Ho bile le baamohedi ba ka bang 2,5 miliyone ka 1999 - jwale ba se ba le ka hodimo ho 12 miliyone.
Ditshebeletso tsa motheo - ho entswe kgatelopele bakeng sa ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o kgona ho fihlela metsi a nowang, tsamaiso ya dikgwerekgwere le motlakase.
Boleng ba ditshebeletso tsa setjhaba bo hlokwa ho ntlafatswa.
Le ha ho na le bajete e kgolo ya thuto, mokgwatshebetso o ba le ditlhahiso tse fokolang ka kakaretso.
mme mekgeng e meng teng ho ile ha eketseha.
motheo le thuso ya setjhaba.
Thuto - mekgwa ya ho kgothaletsa thuto e ekeditse dipalo tsa ba yang sekolong.
Ho se ho sebediswa ditjhelete tse eketsehileng dikolong tsa mmuso, Ntshetsopeleng ya Bana Dilemong tsa bona tsa ho Qala (Early Childhood Development), Thuto le Thupelo ya Motheo ya Batho ba Baholo (Adult Basic Education and Training) ekasitana le Thuto le Thupelo e Tswellang (FET).
Palo ya baithuti Thutong tse Phahameng e eketsehile ho tloha ho 300 000 ka 1986 ho ya ho 750 000 ka 2005. Ngodiso ya baithuti dikholetjheng tsa FET e eketsehile ka 34% ho tloha ka 1998 ho ya ho 2002.
Bophelo bo Botle - mananeo a ho haha ditliliniki, dipetlele le ditsi tsa tlhokomelo ya bophelo a bolela hore 95% ya batho ba Afrika Borwa jwale ba dula bohole bo sa feteng dikilometara tse 5 ho tloha dibakeng tsa bophelo bo botle.
Palo ya malaria e ile ya theoha ho tloha palong e neng e le ka hodimo ho 50 000 ho ya mafelong a bo-1990 ho ya ho palo e ka bang 5 000 ka 2007.
Kalafo ya TB e na le sekgahla sa katleho se ka etsang 70%.
Dilemong tsa bo-1990, tshwaetso ya HIV e ile ya eketseha ka potlako empa jwale e ntse e theoha butle. Hara basadi ba ka tlase ho dilemo tse 20 ba yang ditliliniking tsa pele ho peleho, HIV e theohile ho tloha ho 16% ka 2004 ho ya ho 13,5% ka 2006. Ho ya mahareng a 2008, ke batho ba ka hodimo ho 480 000 ba neng ba se ba qadile ka kalafo ya dilwantshamahloko tsa di-antiretroviral.
Matlo - ka 2008, ke disaposidi tse ka bang 3 132 769 tsa matlo tse ileng tsa ananelwa, mme ke matlo a ka bang 2 358 667 a ileng a phethwa. Hona ho ile ha fana ka matlo ho baahi ba naha ba ka bang 9,9 miliyone.
Mobu - lenaneo la pusetso ya mobu le ile la fetisetsa matlotlo a ka etsang R12,5 biliyone ho baamohedi ba ka bang 1,4 miliyone le dithuso tsa tshehetso tse ka etsang R15,2 biliyone.
Ka mora ho etsa hore ikonomi e be le botsitso, tsepamiso ya maikutlo e ile ya lebiswa kgolong e potlakileng hape e kopanetsweng.
Mosebetsi wa Kgolo e Potlakisitsweng hape e Kopanetsweng bakeng sa Afrika Borwa (AsgiSA) - bakeng sa ho fokotsa bofuma le tlhokeho ya mosebetsi ho ya ho 2014, kgolo ya ikonomi e lokela ho ba ho palohare ya 4,5% ka selemo ho tloha ka 2004 ho fihlela ka 2009 le ka 6% ho ya selemong sa 2014. AsgiSA e tsepamisa maikutlo haholo tabeng ya ho fenya dintho tse thibelang ikonomi ho hola ka potlako.
Kgolo - ikonomi e ile ya hola selemo le selemo ho tloha ka 1994, mme ya hola ka potlako ho tloha ka 2006. Yona e ka hodimo ho sebeo sa 4,5% bakeng sa 2004-2009.
E hodile ka potlako ho feta palo ya batho, ka hoo palohare ya kuno ya motho e hodile ka 1% ho tloha ka 1994-2003 le 4% ho tloha ka 2004-2007.
Mesebetsi - tlhokeho ya mesebetsi e ile ya eketseha ka mora 1994, mme y ba hodimo ho 31% ka 2003. Ka mora moo e ile ya theoha, mme ya ba 23% ka 2007.
Sekoloto le infoleishene - mmuso o ile wa fokotsa sekoloto sa ona ho tloha ho palo e ka etsang halofo ya dihlahiswa tsa naha tsa selemo le selemo ka 1994 ho ya ka tlase ho 20%.
Infoleishene e ne e le 19% ka 1991. Haesale ka 1994, e ile ya dula ka tlase ho 10% ho fihlela ka 2008.
Dipeeletso le dipoloko - dipeeletso di eketsehile dilemong tse mmalwa tse fetileng. Mmuso o beeleditse R482 biliyone dibopehong tsa motheo pakeng tsa 2008 le 2011. Dipeeletso tsa mekga ya poraefete tsona di ka hodimo ho feta pele.
Leano la indasteri - Sebopeho sa Leano la Naha la Indasteri le Moralo wa Ketso Indasteri (National Industrial Policy Framework and Industrial Action Plan) wa 2007 di tla potlakisa ntlafatso ya bokgoni ba ikonomi bakeng sa ho fana ka thepa le ditshebeletso.
Tlhodisano - haesale ka 2003, Khomishene ya Ditlhodisano e nkile mehato a matla ya ho etsa bonnete ba hore ho ba le tlhodisano le ho beha ditheko ke difeme tse kgolo tse ntseng di le ka hodimo ikonoming ya rona.
Matlafatso - Molao wa Matlafatso ya Batho ba Batsho ka Bophara Ikonoming le tsejwang ka Broad-Based Black Economic Empowerment Act o ile wa amohelwa ka 2003 mme Dikhoutu tsa Tshebetso e Ntlafetseng tsona ka 2007.
Boemedi ba batho ba batsho bo ile ba fihla ho 22% botsamaising bo phahameng haholo ka 2006, le 27% botsamaising bo phahameng.
Ntshetsopele ya bokgoni - bolaodi ba mokga wa thuto le thupelo le Letlole la Naha la Bokgoni (National Skills Fund) le qadile mekgwa ya ho kena dipakeng ntshetsopeleng ya bokgoni ho thusa batjha le batho ba hlokang mesebetsi ekasitana le bao ba nang le bokgoni bo bonyenyane.
Joint Initiative for Priority Skills Acquisition (Jipsa) e entse hore ho be le baithuti ba bangata ba fumanang mangolo a bo-enjinere le ho ngodiswa ha di-artisan mme ya kenya baithuti ba atlehileng dithutong tsa bona ba sa sebetseng ba 15 000 dikhampaning.
Ikonomi ya Bobedi - Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le ile la thea menyetla e ka hodimo ho miliyone e le nngwe - selemo pele ho fihlwa selemong se beuweng sa 2009.
Mmuso o atolositse le ho akaretsa tshehetso bakeng sa kgwebo tse nyenyane.
Leano la Tshireletso ya Dijo (Integrated Food Security Strategy) le mananeo a mang a provinse a ho tshehetsa temo a bontshitse ntlafalo butlebutle.
Mananeo a fapaneng a hokahanya di-smallholders ho agro-processing value chains merung, tswekere le di-biofuel.
Dilemo tse hlano tsa kgolo e potlakileng di bontshitse bofokodi ikonoming ya rona e leng bo e thibelang ho hola ka potlako ka ho ya ka moo re batlang. AsgiSA e hlwaile mathata empa ho sa le hongata ho lokelwang ho etswa bakeng sa ho shebana le ona.
Tlhokeho ya mesebetsi e dula e ntse e le phephetso mme ke batho ba mmalwa ba sebetsang kapa ba batlang mosebetsi ha ho bapiswa le dinaha tse ding tse di sa tswelang pele.
Mokgwa wa rona wa kgwebo tse nyenyane o monyenyane ha o bapiswa le ya dinaheng tse ding tse di sa tswelang pele.
Re lokela ho fumana mananeo a ikonomi ya bobedi a tla ba le sephetho se seholo ho ena le a manyenyane a mangata.
Ka mora ho fetola ditheo tsa toka le botlokotsebe, tsepamiso ya maikutlo e bileng tabeng ya ho di etsa hore e be tse sebetsang hantle haholo mme tse tla fokotsa botlokotsebe.
Ho fetola le ho matlafatsa mafapha - Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS), makgotla a dinyewe le ditjhankane di fetohile ho tswa ho beng disebediswa tsa aparteiti ho ya dibopehong tse fanang ka polokeho le tshireletso ho bohle.
Ntlafatso ya thekenoloji le keketso ya basebetsi ho thusa ho etsa dibopeho tsena hore di sebetse hantle haholo. Ka selemo sa 2010, SAPS e tla ba le ditho tse 193 240.
Tekolo botjha ya mokgwa wa toka ya twantsho ya botlokotsebe ke mmuso le kgwebo e ile ya etsa hore ka 2008 ho nkuwe mehato e meng ya ho matlafatsa mokgwa ona wa tshebetso.
Ho fetolwa ha makgotla a dinyewe le boahlodi - ho ya mahareng a 2007, 52% ya baahlodi le bomakgistrata e ne e ele batho ba batsho mme 30% e le basadi.
Kahlolo ya Lekgotla la Molao wa Motheo di tsamaisana le demokerasi ya Molao wa Motheo. Makgotla a matjha a dinyewe a theilwe bakeng sa ho ntlafatsa phihlelo ya toka, jwalo ka makgotla a tekano; makgotla a ditleleime tse nyenyane; le makgotla a tikoloho.
Ditlwaelo tse akaretsang - botlokotsebe bo bongata bo ntse bo ba le botsitso kapa bo a theoha ha ho bapiswa le 1994. Empa ho se ho bile le ho sutha ho ya merusung e mpe ka ho fetisisa ka botlokotsebe.
Bakeng sa ho shebana le palo tse hodimo ho feta tekano ditjhankaneng, maiteko a jwalo ka ho haha ditjhankane tse ntjha; mekgwa e meng ya kotlo; kotlo tsa ho ba tlasa taolo ya tlhabollo ya motho; projeke ya ba emetseng ho hlaha kgotla; le diparole, ke dintho tse seng di entswe - empa bothata bo eketsehile.
Tshebedisano le mmuso jwalo ka diforamo tsa bopolesa ba metse Kgwebo e Kgahlanong le Botlokotsebe ke ntho e seng e eketsehile - empa ho sa le hongata ho lokelwang ho etsuwa.
Botlokotsebe ba ho sebedisa dikgoka kgahlanong le basadi le bana - ho lwantsha mefuta ena ya botlokotsebe e bile ntho e ka sehloohong. Ho theilwe makgotla a dinyewe a mashome a tsheletseng a metso e meraro a Ikgethang le Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela bakeng sa ho tshehetsa mahlatsipa.
Bonyane ba dikotlo le ho fetolwa haufinyane tjena ha Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano (Sexual Offences Act) ekasitana le Molao wa Bana (Children's Act) o matlafaditse letsoho la mmuso la ho lwantsha tlhekefetso.
Letsholo la Matsatsi a 16 la Boitseko ba ho se be le Merusu Kgahlanong le Basadi le Bana le thusitse ho susumetsa baahi ho ba kgahlanong le tlhekefetso.
ka 2007, Yuniti ya Botlokotsebe ba Maqulwana (Organised Crime Unit)e ile ya kwala dihlopha tse ka bang 738 mme Bolaodi ba Tshebetso tse Ikgethang (DSO) bo ile ba hlahlela qoso tse ka bang 1 000 moo 85% ya tsona ba ileng ba kwallwa.
ka 2008, ho ile ha hlahiswa molao o kopanyang DSO le Yuniti ya Botlokotsebe ba Maqulwana ya SAPS ho ba ejensi e le nngwe ka hara SAPS.
Dithunya tse seng molaong - SAPS e sentse dithunya tse ka bang ka hodimo ho 500 000 haesale ho tloha ka 2000. Melao e matla ya ho fana ka dilaesense tsa dithunya e ntlafaditse taolo ya dithunya.
Merusu ya dipolotiki - merusu ya dipolotiki e ile ya fokotswa dilemong tsa ho qala tsa demokerasi. Khomishene ya Nnete le Poelano e ile ya thusa ho shebana le tlhekefetso tsa ditokelo tsa botho tlasa aparteiti.
Taolo ya meedi - komiti ya mafapha ohle le thekenoloji e betere di thusitse ho ntlafatsa taolo meeding ya naha.
Mapolesa, makgotla a dinyewe le ditjhankane di hloka mehlodi e eketsehileng ya thuso, tshebediso e ntle ya tsona le diketsahalo tse nang le nyalano.
Botlokotsebe bo soro hape bo hlophisitsweng ka maqulwana ke diphephetso tse ikgethang.
Tlhokeho ya leano la bofalli ho sitisana le kgokahano e tsamayang hantle.
Ho hlokeha tshusumetso e kgolo ya setjhaba hore se be le seabo twantshong ya botlokotsebe.
Ho amoheleha ka molao ha ditheo tse ding tsa twantsho ya botlokotsebe ho ntse ho lekwa ka dipolelo tsa setjhaba le diketsahalo tse kgahlanong le bahlanka ba phahameng.
Afrika Borwa e se e le karolo ya dinaha tsa matjhaba, e sebeletsa dikgahleho tsa naha, tsa Afrika le lefatshe le ntseng le tswela pele.
Dikamano tsa bodiplomate - ka 1994, Afrika Borwa e ne e na le matlo a bonqosa a 65 feela mose - ka 2008 a bile 121. Matlo a bonqosa mona Afrika teng a ile a hola ho tloha ho 17 ho ya ho 45.
Ketsahalo tsa matjhaba - Afrika Borwa e ile ya hlophisetsa diketsahalo tse ngata tse kgolo haesale ho tloha ka 1994, tse jwalo ka Mohope wa Lefatshe wa Rakebi (1995), Non-Aligned Movement Summit (1998), Seboka sa Lefatshe sa Ntshetsopele e Tswellang (2002) le Khonferense ya Lefatshe ya Mekgatlo ya Dikoranta (2007), mme e fentse boiketo ba ho hlophisetsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA ka 2010.
Ditheo tsa Kontinente - Afrika Borwa e kentse letsoho diphetohong tsa ho tloha ho Organisation of African Unity ho ya ho African Union (AU), ya ba yona e amohelang le ho hlophisetsa Pan African Parliament mme ya thusa tshebetsong ya Khansele ya Kgotso le Tshireletso ya (AU).
Tshebedisano e Ntjha bakeng sa Ntshetsopele ya Afrika (New Partnership for Africa's Development) - Nepad e bile yona moralo bakeng sa tshebetso ya lefatshe lohle le dinaha tsa Afrika.
African Peer Review Mechanism (APRM) - Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse supa tse ileng tsa kena tekolong ya basebedisani. E ile ya tlotlwa bakeng sa tshebetso tse 18 tse ntlafetseng mme ya amohela Lenaneo le felletseng la Mehato e lokelwang ho Nkuwa la APRM bakeng sa ho shebana le bofokodi bo hlwauweng ka nako ya tekolo.
Kgotso - Afrika Borwa e bile le seabo sa bohlokwa mabapi le ho boloka kgotso le tharollong ya dikgohlano mane Democratic Republic of Congo, Burundi, Sudan, Ethiopia-Eritrea, CÃ´te D'Ivoire, Liberia, the Comoros le Zimbabwe.
Dipeeletso le kgwebisano le dinaha tsa Afrika - Afrika jwale e se e le naha ya bone e kgolo e romelang dihlahiswa ka ntle.
Matlafatso ya Southern African Development Community (SADC) - mmuso o sebetsa le dinaha tsa SADC bakeng sa ho bopa kopano. Ho thakgolwa ha SADC Free Trade Area ka Phato 2008 ho tla lebisa kopanong ya tsa tshebetso tse amohelehileng tsa kahisano le mebaraka e tlwaelehileng. Tshebedisano ya Mabotho a Tshireletso e eketsehile, ka Mokga wa Kgotso le Tshireletso, Mokgwa wa Temoso Nako e sa le teng Lebatoweng, Setsi sa Thupelo ya Poloko ya Kgotso Lebatoweng le SADC Brigade.
Ho bopa dikamano bakeng sa ntshetsopele le lefatshe le ntlafetseng - Afrika Borwa e sebeditse bakeng sa ho matlafatsa tshebedisano hara dinaha tse di sa tswelang pele, ho bopa maqhama a yang ka leano le dinaha tse jwalo ka Brazil, India le China.
Dikamano le dinaha tse di sa tswelang pele di ntse di fetolwa hore di ntshetse pele Afrika Borwa le Afrika le ho tswela pele ho ya ho mokgwa o se nang leeme wa matjhaba.
Afrika Borwa e ile ya ba setho seo e seng sa dinako tsohle sa Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng (United Nations Security Council) ka 2007 bakeng sa dilemo tse pedi. E ile ya sebetsa ho beha leihlo Tjhata ya UN, dihlopha tsa batho ba nang le mehopolo e fapaneng le dikamano pakeng tsa UN le AU.
Ho bapatsa Afrika Borwa le Afrika - ho bile le letsholo haesale ho tloha ka bo-1990 la ho ntshetsa pele Afrika Borwa. Bohahlaudi bo hodile ka potlako, me ba thea mesebetsi e ka hodimo ho 400 000.
Mohope wa Lefatshe wa 2010 ke monyetla o moholo wa ho bapatsa naha ya habo rona, le ho sebetsa mmoho le dinaha tsohle tsa Afrika, ho ntlafatsa tjhebahalo ya kontinente.
Ho kengwa tshebetsong ka potlako ha Nepad mme le tlelaemete e ntlafetseng ya lebatowa ke tsona dintho tse ntseng e le diphephetso tsa bohlokwa.
Ho na le tlhokeho ya tlhophiso e ntlafetseng ya bodiplomatiki ba dipolotiki le ikonomi le dikgokahano tse matla tsa leano le matjhabeng ka hara Afrika Borwa le mose.
Tsepamiso ya maikutlo ka mokgwa o kgethehileng hodima batho ba ileng ba angwa haholo ke tshebetso tsa kgethollo e thusitse ho ntlafatsa maphelo a bona.
Maano le mananeo - ho hlahisitswe melao, maano le mananeo. Ho na le dibopeho tse hokahanyang mesebetsi diofising tsa Mopresidente le tsa ditonakgolo bakeng sa ho tsamaisa mananeo ana. Mekga e kgothaletsang dikgahleho tsa dihlopha tse shebilweng haholo e kenyelletsa Khomishene ya Tekano ya Bong, Lekgotla la Dikeletso ka Ditokelo tsa Bana, dikhomishene tsa naha le tsa diprovinse mmoho le Letlole la Batjha la Umsobomvu.
Mesebetsi le ho etsa diqeto - ka 2004, Kabinete e ne e na le basadi ba etsang 40%. Boemedi ba basadi mebusong ya diprovinse le ya selehae bo eketsehile. Batsamaisi ba phahameng ba ka hodimo ho 30% mmusong ke basadi, empa mekga ya poraefete yona e salletse morao mabapi le hona.
Ditshebeletso tsa motheo - ditshebeletso tsa motheo tse lebisitsweng haholo mafutsaneng di bolela hore basadi le bana ba bangata ba tla una molemo. Phihlelo ya metsi, motlakase le dikgokahano ka mehala ho tlisa phapang e kgolo ho basadi le batjha.
Dithuso - ho tswa ho batho ba 12 miliyone ba fumaneng dithuso tsa setjhaba ka 2007, ba dimiliyone tse robedi ba ile ba fumana Thuso ya Sapoto ya Bana. 53% ya disaposidi tsa matlo di ile tsa ya malapeng ao dihlooho tsa ona e leng basadi.
Bophelo bo Botle - phihlelo e kgolo ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle le tlhokomelo ya bophelo ya mahala ya motheo di tswetse molemo dihlopha tse neng di shebilwe haholo.
Phepo e mpe haholo hara bana ba dilemo tse ka tlase ho tse hlano e theohile, ho tloha ho 88 971 ka 2001 ho ya ho 28 165 ka 2007. Palo ya bana ba robalang ba sa ja letho selemong se fetileng e theohile ho tloha ho 31% ka 2002 ho ya ho 16% ka 2006.
Thuto - thuto e tlamang bakeng sa bana ba pakeng tsa dilemo tse supa le tse 15 e entse hore palo ya bana e eketsehe dikolong - e batlile e ba ba etsang 100% ba ingodisitseng.
Ditheo tsa FET di ile tsa hlongwa ka 1998, ho thusa batjha ho ntshetsapele bokgoni. Ka 2007, R1,3 biliyone e ile ya ya Sekiming sa Naha sa Ditjhelete tsa Baithuti.
Ikonomi - basadi, batjha le batho ba sa itekanelang ke bona ba bileng baamohedi ba ka sehloohong ba di-internship, mesebetsi eo o ithutelang yona, mananeo a ditshebeletso tsa batjha, EPWP, bohwebi le mesebetsi ya dikgwebo tse nyenyane.
Mananeo a ho kena dipakeng bakeng sa ho thusa a jwalo ka AsgiSA le Jipsa a ile a tsepamisa maikutlo ntshetsopeleng ya basadi le batjha.
Tshebediso ya dikgoka ho basadi le bana e ntse e le phephetso e kgolo haholo.
Ho hirwa ha batho ba sa itekanelang mekgeng ya mmuso le ya poraefete ho tlase ho feta ka moo ho neng ho lebelletswe ka teng.
basadi le batjha.
Dilemo tse leshome le metso e mehlano re le demokerasing ya rona, ho hongata ho seng ho entswe bakeng sa ho fedisa tshebetso tseo re di sietsweng ke aparteiti le ho bopa setjhaba se setjha se nang le toka. Mahareng a Mokgahlelo wa Bobedi wa Dilemo tse Leshome tsa Tokoloho, Afrika Borwa e atlehile ho fihlela sekgahla se potlakileng sa kgolo le ntshetsopele.
Empa hona ha ho eso lekane.
Na ke mokgwa ofe o batsi o tla etsang hore mmuso le naha di kgone ho fetela kgolong le ntshetsopeleng e tswellang hape e potlakileng, ho ena le ho tswela pele feela tseleng eo ho leng ho yona ha jwale?
Na diphephetso di ka fihlelwa ka maiteko a ekeditsweng a naha ka ho ya ka tshebedisano e batsi ya mmuso le batho mme ho tsepamisitswe maikutlo dinthong tse mmalwa tse ka sehloohong?
Eng kapa eng e etsuwang, ho ya pele ho tla hloka ho tsamaelana le meholo e itseng ya bohlokwa, e jwalo ka: ho potlakisa kgolo le ho fetola ikonomi, ho lwantsha bofuma, ho bopa setjhaba se kopaneng, tshebedisano ya matjhaba le ho bopa mmuso o sebetsang hantle haholo o nang le ntshetsopele.
Kgolo e potlakileng hape e kopanetsweng ke ya bohlokwa bakeng sa ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi le bofuma. Hodima moo, bokgoni ba naha ba ho ba le tlhahiso bo hloka ho ntlafatswa e le hore re tle re kgone ho hola ka potlako, re be le mesebetsi e mengata, ho kenyelletswa le batho ba nang le bokgoni bo bonyenyane, ho etsa bonnete ba hore ho ba le tlhodisano, ho eketswe ditswantle le ho netefatsa hore ho ba le maemo a tlisang katleho bakeng sa dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng. Hape ho na le tlhokeho ya ho ntshetsapele mananeo a ikonomi ya bobedi a tla ba le sephetho se seholo.
Ho tla ba le tlhokeho ya ho ela hloko ho sutha ditjeong tsa eneji le ho sireletsa tikoloho.
Mehato ya ho hlola bofuma ke yona ya bohlokwa ho mawa a felletseng a ho qeta bofuma ao mmuso o a hlahisang. Ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi ke ntho ya bohlokwa twantshong ya bofuma. Ho hloka ho tloswa ha ditshitiso tsohle tse etsang hore naha e be le mokga o fokolang wa kgwebo tse nyenyane le batho ba bangata ba nang le bokgoni ba sa kgothaletsweng ho batla mosebetsi.
Ho lwantsha bofuma ho hloka maiteko a ikgethang a ho eketsa menyetla ya batho ya ho kena mmarakeng ya mesebetsi le ho iqalla dikgwebo tsa bona. Thuto e na le bokgoni bo boholo ba ho fedisa bofuma.
Ho etsa bonnete ba hore re ba le setjhaba se dumellanang ho hloka hore re fokotse ho se lekane, ka phihlelo ya menyetla ya ikonomi bakeng sa bohle ekasitana le ka mokgwa o tswellang oo mmuso o sebedisang ditjhelete bakeng sa mafutsana.
Hoo e leng hwa bohlokwa kopanong ya setjhaba ke ditheo tse matla hape tse amohelehileng tsa setjhaba. Hona ho hloka tshebeletso e ntlafetseng ho tswa mmusong, dikarolo tse ntlafetseng tsa ho ba le seabo ha setjhaba le phokotso ya botlokotsebe le bobodu. Ka mokgwa o tshwanang, setjhaba se na le boikarabelo ba ho hlompha ho amoheleha le bolaodi ba ditheo tsa puso.
Ho haha setjhaba se kopaneng hape ho hloka kgothaletso ya kutlwelano le tsotello hara batho bohle ba Afrika Borwa ho ena le makgabane a motho ka bong. Mmuso le setjhaba ba hloka ho sebetsa mmoho ho hlahisa mekgwa e metjha ya makgabane.
Mosebetsi o mongata o se o entswe bakeng sa ho matlafatsa tshebedisano lefatsheng ka bophara, haholoholo Afrika le ka Borwa. Hona ho lokela ho tswela pele, o ntse o beha ka pele Afrika le dinaha tse ka Borwa ho ntse ho bolokwa dikamano le dinaha tse dinaha tse nang le di-indasteri tse tswetseng pele. Ho matlafatsa tshebedisano ka mokgwa o yang ka leano ho tla thusa ho ntshetsapele dikgahleho tsa rona tsa naha le ho sebedisa mehlodi ya rona ya thuso bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele ya bo-Afrika.
hape o tshwanetse ho matlafatsa dikarolo hore ho be le dikamano tsa kgafetsa pakeng tsa baahi ba naha le baemedi ba setjhaba.
Na o nahana hore ke dife dintho tsa bohlokwa haholo tseo mmuso o ka di etsang ka ho sebetsa mmoho le lona?
Bakeng sa ho tseba haholwanyane ka mananeo le ditshebeletso tsa mmuso, sheba ho: www.gcis.gov.
<fn>GCIS. Zfold16days.2010-10-19.st.txt</fn>
Matsatsi a 16 a Boitseko: Ho se Sebedise Dikgoka Kgahlanong le Basadi ke letsholo la matjhaba le etswang selemo le selemo ho tloha ka la 25 Pudungwana (Letsatsi la Matjhaba la Ho se Sebedise Dikgoka Kgahlanong le Basadi) ho ya ho la 10 Tshitwe (Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho).
Ka nako ena, Mmuso wa Afrika Borwa o ba le Letsholo la Boitseko ba Matsatsi a 16, leo sepheo sa lona e leng ho eketsa temoso ya sephetho se sebe sa tshebediso ya dikgoka ho basadi le bana. O sebedisa letsholo lena hape le ho susumetsa mekga yohle ya setjhaba ho nka mehato kgahlanong le tlhekefetso.
Mmuso o ikemiseditse ho haha setjhaba se tsotellang hape sa kgotso, se tla sireletsa basadi le bana ba sona mefuteng yohle ya tshebediso ya dikgoka le merusu. Le ha Letsholo la Matsatsi a 16 a Boitseko le tshwarwa ho tloha ka la 25 Pudungwana - 10 Tshitwe selemo le selemo, maikemisetso a lona a matlafatswa ke Lenaneo la selemo sohle la Matsatsi a 365 le Moralo wa Naha.
Selemo le selemo, mmuso o sebedisana le mekgatlo ya baahi le mekga ya kgwebo, mme o tswela pele ho sebetsa mmoho le bona ho atolosa sephetho sa letsholo. Ka ho tshehetsa letsholo lena, diketekete tsa batho ba Afrika Borwa hape di thusitse ho eketsa temoso ka tlhekefetso le ho bopa tshehetso bakeng sa mahlatsipa le bao ba fetileng tlhekefetsong.
Tshehetsa letsholo ka ho kenya ribone e tshweu ka nako ya matsatsi a 16: Ribone e tshweu ke letshwao la kgotso mme e emela maikemisetso a motho ya e kentseng a hore a ke ke a etsa kapa a tshehetsa tshebediso ya dikgoka kgahlanong le basadi le bana.
Kenela matsholo a CyberDialogues: CyberDialogues ke matsholo a qadilweng ka sepheo sa ho nolofatsa ditherisano ka inthanete hara batho hore ba buwe ka ditaba tse amanang le tlhekefetso ya basadi le bana. Ha o batla haholwanyane, e ya ho: www.genderlinks.org.za kapa etela Setsi sa Ditshebeletso sa Thusong.
E ba le seabo diketsahalong le diketso tse fapaneng tsa Matsatsi a 16 a Boitseko: Ho na le khalendara ya diketsahalo tse tla tshwarwa naheng ho tloha ka la 25 Pudungwana ho ya ho la 10 Tshitwe. Bakeng sa ho bona diketsahalo tsohle, e ya ho www.womensnet.org.za/calendar.shtml.
Boithaopo ba ho tshehetsa mekgatlo e seng ka tlasa mmuso le dihlopha tsa baahi tse tshehetsang basadi le bana ba hlekefaditsweng: Mekgatlo e mengata e thusang mahlatsipa le ba fetileng tlhekefetsong e hloka thuso ho tswa baahing. O ka ithaopa ka nako ya hao mme o kenye letsoho mosebetsing wa ho thusa ditheo tsena. Batla mokgatlo oo o ka bang le seabo ho ona tikolohong ya heno. O ka fihlela hape le lenane la mekgatlo e thusang ho www.csvr.org.za.
Dineelo: O ka neelana ka tjhelete mekgatlong e sebeletsang ho qeta tshebediso ya dikgoka kgahlanong le basadi le bana ka ho e kenya ho Foundation for Human Rights. Ha ho na bonyane kapa boholo ba palo eo o ka neelanang ka yona - ho tla tswa ho wena! Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho: www.fhr.org.za kapa letsetsa 012 440 1691.
Bua kgahlanong le tlhekefetso ya basadi le bana: Kgothaletsa mahlatsipa a basadi a thotseng ho phephetsa tlhekefetso. Tlaleha tlhekefetso ya bana mapoleseng.
Kena diforamong tsa bopolesa ba metse (di-CPF) kapa diforamo tsa polokeho ya setjhaba (di-CSF): Baahi le diteishene tsa mapolesa tsa dibaka ba sebedisana ho etsa bonnete ba hore dibaka di ba le polokeho le tshireletso. Ka ho kena ho CPF kapa CSF ya sebaka, o ka thusa ho lwantsha botlokotsebe tikolohong ya heno. Ha o batla ho tseba haholwanyane, iteanye le ba seteishene sa sepolesa sa sebaka sa heno.
Haebe o hlekefetswa ka tsela efe kapa efe kapa o tseba motho e mong ya hlekefetswang, ema ka maoto - fumana thuso.
<fn>GOV-ZA.10111.2010-03-25.st.txt</fn>
Sena ke setsha sa mehala sa thibelo ya bonkiwane sa dihora tse 24 se sebetsanang le ditletlebo tsa setjhaba. Mehala e ka letswa ka tshebediso ya fonofono ya Telkom kapa selefounu. Mehala yohle e kenang setsheng e ya hatiswa.
Hlokomela: Letsetsa nomor ena feela nakong ya tshohanyetso. O se ke wa e sebedisa hampe, hobane o thibela mehala ya batho ba tsietsing ba hlokang thuso ya sepolesa ke tshenyo ya nako ya sepolesa kaha sepolesa se tla lokela ho kganna kapa ho fofela sebakeng seo o reng ke sa kotsi ke tshebediso e mpe ya disebediswa tsa sepeolesa kapa sepolesa se tla romelwa moo e leng hore ha ho hlokehe bakeng sa ditletlebo tse sa potlakang le dipotsiso tse tlwaelehileng, letsetsa poliseteishene e haufi.
Letsetsa nomoro ya mohala ya 10 111 hohle kahara Afrika Borwa.
Lesedi leo le a bolokwa mme o fuwa nomoro ya boitsebiso bakeng sa ho netefatsa tsebiso ya kamoso.
Tletlebo eo e fetisetsa ho Setsha sa Tshebeletso ya setjhaba se haufi koloi ya karolo eo kapa koloi ya lekala le potlakang.
Mehala yohle e kenang e arabjwa kapele.
Ha ho diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA.2008PolPardon_AppForm[AllegedPolitically]Sesotho.2010-03-25.st.txt</fn>
Nomoro ya boitsebiso:...
Aterese ya poso:...
Aterese ya bodulo:...
Dintlha tsa tjhankana, ha di le teng: Nomoro ya tjhankana: Letsatsi leo o tlang ho lokela parole: ... Letsatsi la ho lokollwa:...
MOLATO LEBITSO LA MOLATO Mohl.
Ana o ile wa iphumanela molemo o itseng ka ho etsa m(e)olato?
b Ha ho le jwalo, hlalosa mofuta le boholo ba molemo o jwalo.
Maikemisetso a sepolotiki ao o neng o batla ho a fihlella ka ho etsa m(e)olato e ne e le afe, ha e ba a le teng?
Ana mokgatlo wa hao o ile wa fumana molemo ketsong ya m(e)olato?
Na o ne o le mohlanka wa semmuso/ setho sa kantoro/ setho / motshehetsi wa mokgatlo ofe kapa ofe wa polotiki ka nako eo m(e)olato o etswang Ha ho le jwalo, o ne o e na le matla afe?
Nomoro ya ho ba setho, ha e le teng:...
Bolela mabaka a hore hobaneng ho tla thabisa setjhaba ha Mopresidente a ka o tshwarela.
Ana o ile wa etsa kopo ya tshwarelo ho TRC?
Haeba o lokollotswe ka parole, mabaka a ho kenngwa paroling ke afe?
Sete ya motheo ya kgatiso ya menwana ya hao.
Khopi e netefaditsweng ya leqephe le qalang la bukana ya hao ya boitsebiso.
Tlatsetso ya A e tlatsitsweng ke mokgatlo wa polotiki haeba ba tshehetsa kopo ya hao.
Tokomane efe kapa efe e fumanehang e mabapi le tlhabollo tjhankaneng le/kapa ka mora ho lokollwa tjhankaneng.
Nna Mabitso ka botlalo le sefane ke ipolela hore tlhahisoleseding e ka hodimo ke nnete mme e nepahetse..
Ka hona e saennwe ka la ... kgweding ya...
Na o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa puo Karabo:..?
Na o na le kganyetso efe kapa efe kgahlanong le ho etsa kano e balletsweng Karabo:..?
Na o bona kano e balletsweng e tlama letswalo la hao Karabo:..?
A. Ke netefatsa hore dipotso tse boletsweng ka hodimo di lebisitswe ho nna mme dikarabo tsa ka ho tsona di ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha di hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Ana o netefatsa dikahare tsa boipolelo bona?
A. Ke netefatsa hore potso e boletsweng ka hodimo e lebisitswe ho nna mme karabo ya ka ho yona e ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha e hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Aterese ya mosebetsi...
<fn>GOV-ZA.2008SmallClaimsBrochures_09Sotho.2010-03-25.st.txt</fn>
ikise kgotla ka bowena.
Etsa hore ditokomane kaofela tsa tleleime ya hao di be teng ho wena.
Eba le bopaki bo ngotsweng hore moqusuwa o ile a fumana disamane.
Mekgwa ya lekgotla e bonolo e bile ha e a otloloha..
Etsa hore o be le ditokomane kaofela tseo tleleime ya hao e itshetlehileng ka tsona.
Etsa hore dipaki tsa hao kaofela di teng.
Etsa bonnete ba hore o na le bopaki bo ngotsweng hore disamane di ile tsa fuwa moqosuwa.
Ha ho mmuelli kapa advokheite e ka o emelang.
Mokhomishinare wa lekgotla o tla fana ka sebaka sa hore o bolele sello sa hao. Bolela dintlha tsa hao ka bokgutshwanyane.
Araba dipotso tsa mokhomishinara mme o hlahise dipontsho tsa hao. ditokomane tseo otleleime ya hao e itshetlehileng ka tsona..
Ha o a dumellwa ho botsa moqosuwa dipotso. Ka tumello ya mokhomishinara o ka botsa moqosuwa dipotso tse mmalwa.
mamedisise ditlhaloso tsa moqosuwa mme o bolelle khomishinare dintlha tseo o nahang hore ha di a behwa ka nepo.
Ha khomishinara a utlwile, moqosuwa le dipaki tse bitsitsweng, jwale lekgotla le ka fana ka kahlolo.
Mokomishinare a ka nna a bontsha hore kahlolo e tla fanwa ka ho ngolwa fatshe ha morao.
Ha ho na boipiletso bo ka etswang kgahlanong le kahlolo ya lekgotla.
Tjantjello sesoseng, tshekamelo, ho ahlolelwa hampe, bobodu mabapi le Khomishinara le.
Kahlolo ya lekgotla e eme, ntle leha eba mabaka a tekolo a le teng.
Phethisa taelo ya ditjeo eo lekgotla le ka e etsang kgahlanong le wena. Ditjeo tse ka bang teng ke tsa moqosuwa mabapi le ditefo tsa sherifi.
Ikamahanye le kahlolo ya lekgotla.
Moqosuwa o tshwanela ho lefa kapelepele kapa a dumele ka tjhelete eo o e kolotwang ho ya ka qeto ya lekgotla ha a ena le tjhelete. Rasiti e tshwanetse e fanwe sebakeng sa tjhelete ka leshwang.
Haeba moqosuwa a sa kgone ho ikamahanya le kahlolo ka pelepele, lekgotla le etsa diphuputso mabapi le maemo a ditjhelete a moqosuwa me lekgotla le tla sheba maemo a ho lokiswa ha molato wa kahlolo le ditjeo tse entsweng le ho etsa taelo ya tefo.
Haeba moqosuwa ha a kgone ho ikamahanya le kahlolo kapa taelo ya Lekgotla la Ditseko tse Nnyane mme wena o batla hore kahlolo e dihuwe kapa taelo e phethwe, nyewe ena e tla romelwa Lekgotleng la Magisterata le mokgwa wa phethisetso, jwalo ka ha Molao wa Lekgotla la Migisterata wa 32 wa 1944 o latelwa. Ho a dumeletseha ho sebedisa moemedi wa molao ka tsela ena.
Lesedinyana lena le o tjabisetsa ka mehato ya bohlokwa e ka nkuwang mabapi le ho kenya nyewe Lekgotleng la Ditseko tse Nnyane.
Haeba o batla thuso ka eng kapa ka eng, aterese le nomoro ya mohala tsa tlelereke ya Lekgotla la Ditseko tse Nnyane e ka fumanwa Diofising tsa Magisterata wa selehae haeno.
<fn>GOV-ZA.419advancefeefraudandlotteryscam.2010-03-25.st.txt</fn>
Lengolo la Boqhekanyetsi la Nigeria le bitswang jwalo hantlentle ke tefiso e tlang pele ya bomenemene. Bomenemene bona bo tsejwa hape jwalo ka "boqhekanyetsi ba 419" mme bo tsamaiswa ke lemenemene, hangata setho sa mokgatlo wa disenyi..
Boqhekanyetsi bo qalwa ke lemenemene le ikopanyang le khampani e tobilweng, mohlomong ka fekse, ka lengolo kapa ka e-meyile. Ho etsuwa tlhahiso ya kgwebo, hangata ke mokgatlo o iketsang balaodi ba hodimo ba mmuso. Baqhekanyetsi ba tseka hore ba taolong ya tjhelete e ngata e abilweng ho feta tekanyetso, hangata didolara tsa Amerika. Tlhahiso e fupere hore ho fetiswe tjhelete e abilweng ho feta tekanyetso ho ya bankeng e ka ntle ho naha moo boqhekanyetsi bo qalang teng. Motho ya fumanang ngollano ka kakaretso o tshepiswa tjhelete e pakeng tsa 20 le 35 persente ya tjhelete e tla fetiswa jwalo ka khomishene ya ho sebedisa akhaonte ya hae ya banka.
Moqhekellwa o kotjwa ho kenya tjhelete akhaonteng e kgethehileng ya banka ho thusa ho lefella ditshenyehelo tsa ho phetha tumellano.
Hang ha tefiso ya sethatho e lefuwe, "mathata" a a hlaha a hlokang hore ditefiso tse eketsehileng di lefshwe.
Dinaheng tse ding ho ka hlophiswa phutheho, mme hang ha moqhekellwa a fihla naheng eo, paspote ya hae e a nkuwa mme o bolokwa ho fihlela tefo e lekaneng e amohelwa.
Dintlha tsa banka tse molaong sehloohong sa lengolo di ka sebediswa ho fetisa tjhelete ho tswa bankeng ya moqhekellwa ho ya akhaonteng e tlasa taolo ya disenyi.
Bomenemene ba ho betjha ka tjhelete bo qalwa ke moqhekanyetsi ya ikopanyang le batho ka ho ikgethela feela, hangata ka e-meyile. Moqhekanyetsi o itsebisa jwalo ka molaodi wa Khampani ya Lotari mme o eletsa motho ya hapileng lotari moo motho a so ka a reka tekete. Dinomoro tse atlehileng di a bolelwa ngollanong leha Khampani ya Lotari eo moqhekelli a reng o sebetsa ho yona ho ka etsahala hore e teng mme dinomoro tse boletsweng ke tse atlehileng , bona ke bomenemene. Ho sebediswa mekgwa e tshwanang ho bomenemene ba 419 ho ntsha tjhelete ho moqhekellwa ya tobilweng.
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le diketso tsena tsa bomenemene tse fumanehang ho website ya South African Police Services moo dintlha tse amanang le tshebetso ya sekimu, diponahatso tsa bomenemene bo ka bang teng, mekgwa e fapaneng eo tjhelete e fumanwang ka yona ho moqhekellwa, mmoho le mehato ya temoso, di hlaloswang.
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng e ya ho Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa.
Ha o fumana lengolo la bomenemene, romela ditokomane tsohle, tlhahisoleseding le ngollano ho Interpol.
Hlalosa ebang "Ha ho Tahlehelo ya Ditjhelete" kapa "Ho na le Tahlehelo ya Ditjhelete" ditokomaneng.
Nehelana ka dintlha tsa dikgokahano le nomoro tsa founu kapa tsa motho ba amehileng.
Mererong yohle e amanang le bomenemene, Interpol e tla hokahana le Commercial Crime Unit of the South African Police Service.
Romela kopi ya fekse ya ngollano ya "419" eo o e fumaneng ho Superintendent of the Commercial Crime Unit of the South African Police Service kapa South African High Commission/Embassy/Consulate-General Khomishene e Hodimo /Boemedi/ Moemedi - Kakaretso wa Afrika Borwa hore ba e fetisetse ho South African Police Service.
Nehelana ka dintlha tsa banka.
Hlalosa ebang "Ha ho Tahlehelo ya Ditjhelete" kapa "Ho na le Tahlehelo ya Ditjhelete".
Ha ho na le kamano ya moahi wa Afrika Borwa le tshebetso ya "419", hlalosa ka ho hlakileng dintlha tsohle tse tshwanelehileng.
Nehelana ka dintlha tsa dikgokahano le nomoro tsa founu kapa tsa motho ba amehileng.
Government Gazette No. 22459 of 13 July 2001 and General Notice No. 1643 of the same date.
South African Police Service e hlomamisa nako ya ho ntsha ditlaleho tsa tswelopele. Ka tlwaelo ditlaleho di ntshuwa jwalo dibekeng tse pedi ho itshetlehile ho maemo a morero.
Ditlaleho tsa tswelopele di ka se romelwe ho batho moo ho sa kang haeba teng tahlehelo ya ditjhelete. Leha ho le jwalo, ho ntse ho le bohlokwa hore Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa e nehwe dikopi tsa mangolo a bomenemene a "419" hore a kenyeletswe ho database ya yona.
South African Consular Officers tse ditjhabeng di tla romela ditokomane tsa diketsahalo moo ho nang le tahlehelo ya ditjhelete e etsahetseng ho SAPS nakong ya dihora tse 48 tsa ho fumana ditokomane.
Tshebeletso ke ya mahala.
Ha diyo, empa ke ntlha ya bohlokwa ho bontsha ditokomaneng ha tahlehelo ya tjhelete e bile teng.
<fn>GOV-ZA. Abortion1.2010-03-25.st.txt</fn>
<fn>GOV-ZA. Aboutus.2010-03-25.st.txt</fn>
Na o hloka thuso ka mathata ao o teanang le ona weposaeteng?
Morero wa weposaete ya Ditshebeletso tsa Afrika Borwa ke ho fana ka mohlodi o le mong wa tlhahisoleseding e mabapi le ditshebeletso tseo mmuso wa Afrika Borwa o fanang ka tsona. Maikemisetso ke ho fokotsa ho se lekalekane ho le teng pakeng tsa bao ba nang le matla mmoho le ba tinngweng matla, moruo wa pele o tswetseng pele ka botlalo mmoho le moruo wa bobedi o fokolang. Weposaete ena ke mokgwa wa bohlokwa wa ho kena dipakeng oo sepheo sa ona e leng ho tiisetsa hore baahi ba naha ba kgona ho ikamahanya le mmuso.
Batho bao ho lebelletsweng hore e tla ba bona basebedisi ba weposaete ena ke baahi ba naha ya Afrika Borwa ba leng dikarolong tsohle tsa naha, dikgwebo le mekgatlo ya Afrika Borwa e leng teng ha jwale ekasitana le e tla hlahella, le baahi le mekgatlo ya dinaheng tse ding ba hlokang ditshebeletso ho tswa mmusong wa Afrika Borwa.
Weposaete e na le tlhahisoleseding e mabapi le ditshebeletso tsa mmuso tseo ho fanwang ka tsona boemong ba mmuso wa naha.
Ditshebeletso tsa baabi ba dinaheng tsa matjhaba: tlhahisoleseding eo hantlentle e leng ya baahi ba dinaha tse ding ba hlokang ditshebeletso tse tshwanetseng ho tswa mmusong wa Afrika Borwa.
Se seng le se seng sa dihlopha tsena se hlophisitswe hape ka mokgwa o tsamaelanang le diketsahalo tsa bophelo ka tatellano ya tsona . Diketsahalo tsa bophelo di boele di hlophiswe hape ka ho ya ka mehato ya bophelo.
Tlhahisoleseding bakeng sa tshebeletso ka nngwe e hlophisitswe ka ho ya ka dintlha tse supa tsa bohlokwa, e leng tlhaloso, mehato e lokelwang ho latelwa, melao e sebediswang, maemo a tshebeletso; ditjeo, diforomo tse lokelwang ho tlatswa, le dintlha tsa bao ho ka iteangwang le bona.
Tlhahisoleseding ya tshebeletso e ngotswe pele ka puo ya Senyesemane, ka mora moo ya fetolelwa dipuong tse ding. Tlhahisoleseding ya ditshebeletso e ngotsweng ka dipuo tse ding e kengwa ka mora ho ba e fetolelwe.
Site Mape fana ka moralo o bonahalang wa sebopeho sa weposaete. Yona e hlahisitswe ka tatellano ya dintlha, e arola dintlha tsa weposaete ho ba dihlooho tse itseng tse ikgethang. Ka hoo e etsa hore o kgone ho tseba sebopeho sa dikahare tsa weposaete hantle.
Leqephe la ho qala le fana ka lenane la ditshebeletso tse sebediswang fihlelwang haholo. Di-entry di etsa hore o kgonwe ho fihlelwa ditshebeletso tse hlano tse hodimo haholo tseo basebedisi ba kenang ho tsona. Manane a hlophisitswe ka ho ya ka dipalopalo tsa maqephe ao ho kenwang ho ona.
Ho na le search box maqepheng ohle weposaeteng. Ha o kenya lereo leo o batlang ho le setjha, weposaete yohle e tla setjhwa bakeng sa mantswe ao. O ka etsa hape le setjhe e tswetseng pele ka ho kgetha link ya Advanced search. Mosebetsi wa setjhe ena ke ho phenyekolla tlhahisoleseding e mabapi le diweposaete tse ding tsa mmusoi.
Weposaete e ntjhafatsa ka tsela e tswellang. Leano la rona ke la ho fana ka tlhahisoleseding ka mokgwa le ka nako eo e hlahellang ka yona. Le ha ho le jwalo, bahlahisi ba weposaete ya Ditshebeletso tsa Mmuso ba ke ke ba tiisetsa tlhahisoleseding ya ha jwale e phatlalatswang diweposaeteng tse ding tseo re nang le di-link le tsona. Sheba Dipehelo le Maemo, temaneng ya 4.3.
Mafapha a mmuso a lokela ho ikamahanya le tlhahisoleseding e weposaeteng. Mosebetsi ona o ile wa fuwa dimanejara tsa mafapha tseo ho sebedisanweng le tsona, e leng tsona tse ikarabelang bakeng sa tlhahisoleseding e phatlaladitsweng weposaeteng.
Fomete e ka sehloohong ya tlhahisoleseding e weposaeteng ena ke ya HTML. Le ha ho le jwalo, ho na le difomete tsa ditokomane tsa PDF bakeng sa ho sireletsa layout ya mantlha ya tsona.
Ha o batla ho bula ditokomane tsa PDF, o lokela ho ba le Adobe Acrobat Reader 4 kapa ka hodimo ho moo khomputareng ya hao. Yona e tla bula ditokomane ka ho toba ho browser ya hao.
Ka dinako tse ding ho nka nako e telele ho bula ditokomane tsa PDF. Mona re ho kgothaletsa hore o kenye tokomane pele khoputareng ya hao e be o e bula moo.
Ho window ya 'Save As' kgetha sebaka ho hard drive ya hao moo o batlang ho kenya tokomane e be o tobetsa konopo ya 'Save'. Faele e tla e se e kena sebakeng seo o se kgethileng.
Na o hloka thuso ka mathata ao o teanang le ona weposaeteng?
O kotjwa hore o iteanye le rona mona ha o ka teana le mathata ka weposaete.
<fn>GOV-ZA. Accesstoinformation.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa molao o bitswang Promotion of Access to Information Act ke ho netefatsa hore batho ba ka sebedisa tokelo ya bona ya molao wa motheo ho kgona ho fihlella tlhahisoleseding le efe feela e bolokilweng ke mmuso, esita le tlhahisoleseding e bolokilweng ke motho e mong, e hlokahalang ho sebedisa kapa ho sireletsa tokelo efe kapa efe.
Se kgothatsang ho phethahatsa tokelo ya ho fihlella tlhahisoleseding ho susumelletsa tlwaelo ya ho etsa dintho pontsheng le boikarabelo ba setjhaba le mekgatlo e ka thoko, le ho kgothatsa setjhaba seo ebang ho sona batho ba Afrika Borwa ba na le phihlello ya tlhahisoleseding e phethahetseng ho sona hore ba kgone ho sebedisa le ho di sireletsa ditokelo tsohle tsa bona ka botlalo.
Ke tlhahisoleseding efe, e bolokilweng ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo kapa mokgatlo ofe feela wa setjhaba, e ka kgonang ho fihlellwa?
O ka fumana ho fihlella ditokomane kaofela le/kapa direkoto tse polokelong ya Lefapha, diofisiri tsa lona kapa mokgatlo ofe kapa ofe wa setjhaba. Ha ho kgathalehe hore tlhahisoleseding eo e ne e be teng neng.
ha tlhahisoleseding e batlelwa ho sebediswa ditsamaisong tsa tlolo ya molao kapa tsa tsekisano ya tsa bodulo kapa ha nyewe ya tlolo ya molao kapa ya tsekisano ya tsa bodulo e se e qadile, ha ho le jwalo tlhahisoleseding eo e ke ke ya sebediswa lekgotleng la molao, haholo ha lekgotla le nahana hore e tla sitisa tshebetso ya ho latela toka.
Direkoto tsa khabinete le dikomiti tsa yona.
Direkoto tse tsamaelanang le toka ya ho sebetsa ha lekgotla.
Tlhahisoleseding e fumanweng ke lekgotlanyana le ikgethang le neng le hlomamisitswe ka molao.
Tlhahisoleseding e polokelong ya e mong wa ditho tsa palamente kapa lekgotla la ketsamolao la provense.
Leha ho le jwalo, Access to Information Act o ka hodimo ho molao ofe feela o mong kapa ketsamolao e ka thibelang motho kapa ho mo hanela ho fihlella tlhahisoleseding efe kapa efe.
Botsa Deputy Information Officer wa lefapha la mmuso le tshwanelehileng ho o thusa ho fihlella tlhahisoleseding kapa ditokomane tseo o di hlokang.
Tlatsa mme o romele Foromo A: Etsa kopo ya ho fihlella rekoto ya lekgotla la setjhaba. O ka e fumana ofising ya Lefapha kapa wa e laolla ho website.
Ha tsebo eo o e hlokang e sa fumanehe mahala, o tla tlameha ho lefa tefo ya kopo . O ka nna wa tlameha ho lefa le tefo ya phihlello ya ho tsoma.
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tla araba matsatsing a 30 ka mora ho fumana kopo.
Ha Ofisiri ya Tlhahisoleseding e sa o nehe tumello ho ka fihlella tlhahisoleseding eo o e kopileng, o ka etsa boipiletso ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Haeba o ntse o sa kgotsofala ke sephetho, o ka nna wa etsa boipiletso lekgotleng la molao.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tla o thusa ka tshebetso ena.
Haeba tlhahisoleseding eo o e kopileng ha e polokelong ya lefapha la Mmuso, kapa lekgotla la setjhaba, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tla fetisa kopo ya hao ho ya ho Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya lekgotla la setjhaba le amehang nakong ya matsatsi a 14.
Mokgatlo wa setjhaba o tshwanelehileng o tshwanetse ho araba kopo ya hao ka nako e amohelehileng. O tla tsebiswa ha maemo a le jwalo.
Ditefiso tsa direkoto tsa mokgatlo wa setjhaba, jwalo ka ha di boletswe ho Melawana ya jwale ya Molao.
<fn>GOV-ZA. Activitiesrelatingtogeneticallymodifiedorganisms.2010-03-25.st.txt</fn>
Fumantsha hore ke nehelano efe ya matla eo o e hlokang mme o tlatse foromo e tshwanelehileng.
tokollo ka bophara ya dikopo e tlameha ho etellwa pele ka ho tlatsa ditshebetso tikolohong ya Afrika Borwa nakong ya dinako tse tharo tsa temo dikopo tsa ho tswela pele ka tshebetso di tla amohelwa feela ha tshebetso e ne e nehilwe matla nakong e fetileng.
Romela kopo mmoho le palo e behilweng ya dikopi ho Mongodisi wa di-GMO.
Romela kopi e eketsehileng ya kopo, e sa fuparang tlhahisoleseding ya sephiri ya kgwebo, ho Mongodisi wa di-GMO.
Lefa tefiso e balletsweng.
Romela tlaleho ya ditshebetso tse tsamaisitsweng nakong e fetileng.
Romela bopaki ba ditsebiso tsa bohle.
Komiti ya Boeletsi e hlahloba data ya saense e rometsweng le kopo mme e etsa dikgothaletso mabapi le polokeho ya tshebetso e rerwang ho Lekgotla la Phethahatso.
Mongodisi o fumana diphehiso tsa setjhaba nakong e dumelletsweng.
Lekgotla la Phethahatso le etsa qeto mabapi le kopo, le ela hloko kopo, dikgothaletso tsa Komiti ya Boeletsi, diphehiso tsa setjhaba le diphetho tse ka bang teng ho dikarolo tse kang tsa temo, bophelo, tikoloho, basebetsi, kgwebo le saense le ntshetsopele ya teknoloji.
Ha qeto ya Lekgotla la Phethahatso e le e dumelang, Mongodisi o nehelana ka matla a ho ntshuwa ha tumello.
Ditumello tsohle di felehetswa ke dipehelo tsa ditshelo.
Bahlahlobi ba tswang ho Lefapha la Temo ba latela ho phethahatswa ha dipehelo tsa tumello.
<fn>GOV-ZA. Administrationandliquidation.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha mokgatlo, khampani, khampani ya ba mmalwa e sa kgone kapa e ke ke ya lefa melato kapa ho phethahatsa ditlamo tsa yona , Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Kgwebo le Indasteri a ka laola kapa a fedisa seahelo sa kgwebo.
Mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana, setho sefe kapa sefe sa mokgatlo kapa motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello a ka etsa kopo makgotleng a molao hore mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana o laolwe ke Molaodi Kakaretso kapa o fediswe. Lekgotla la molao le duletseng kopo ena le tlameha ho ba karolo ya Lekgotla le Phahameng kapa Lekgotla la Mmaseterata le nang le matla a ho laola toka sebakeng seo mokgatlo o leng ho sona kapa o sebetsang ho sona. Lekgotla le lona le ka etsa qeto ka mokgwa ona ha ho le molemong le qetong e nang le toka ka ho fetisisa maemong ao.
Ha lekgotla le etsa qeto ya hore Molaodi Kakaretso o tlameha ho laola mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana, o tla ba le matla a ho laola merero ya mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana ho latela dipehelo tsa Companies Act, 1973.
qeto e fihlelletswe ke bongata ba ditho tse teng kapa tse nang le boemedi phuthehong; le ha dintlha tsohle tse tshwanelehileng tse lokelang ho tadingwa ka mokgwa o amohelehileng pele ho hlakolwa ngodiso, di tshohlilwe, tse kenyeletsang mokgwa oo thepa le ditlamo tsa mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana di tla sebetswa ka wona.
Ha lekgotla la molao le fihlella qeto ya ho fedisa mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana, le tla fihlella qeto ya hore thepa ya mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana e tla arolwa jwang ka ho lekanang le ka toka. Lekgotla le tla ela hloko dikgothaletso dife kapa dife tseo Molaodi Kakaretso a ka bang o di entse malebana le kabo ya thepa.
Ha Molaodi Kakaretso kapa mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana, setho sefe kapa sefe sa mokgatlo kapa motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello a etsa kopo ya hore mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana o laolwe ke Molaodi Kakaretso kapa o fediswe, Letona le ka etsa pallo ya mokgwatshebetso oo mokgatlo kapa mokgatlo wa nakwana o tla laolwa ka wona ke Molaodi Kakaretso kapa o tla fediswa ka wona. Letona le ka hlomamisa matla le mesebetsi ya Molaodi Kakaretso, Ofisiri ya Ngodiso, mokgatlo, ditho le mekga e nang le thahasello maemong ana.
Khampani e ngodisitsweng, mokgatlo kapa CC e tlameha ho ngola lengolo le molaong ho kopa ho hlakolwa ha ngodiso.
Balaodi bohle le ditho tsa khampani kapa CC ba tshwanela ho saena lengolo ha ho hlakolwa ngodiso ka boithaopo ba molaodi kapa ditho.
Ho hlakola ngodiso ho nka nako e ka bang dikgwedi tse tsheletseng.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. AdmissiontoapublicorindependentschoolgradeRto12.2010-03-25.st.txt</fn>
Kereiti ya R ke selemo sa ho qala sa boemong ba motheo ba thuto e shebileng diphetho dikolong tsa poraimari tsa mmuso. Yona e etseditse bana ba dilemo tse nne-le-halofo ho isa ho ba dilemo tse hlano-le-halofo boholo. Batswadi le bahlokomedi ba lokela ho ngodisa bana ba bona sekolong pele ho letsatsi la ho qetela, le pakeng tsa Phato le Mphalane, ya selemo se etelletseng pele selemo seo ngwana a tla qala ka sona.
Etsa kopo pele ho letsatsi la ho qetela le pakeng tsa Phato le Mphalane.
Ingodise sekolong se haufi le wena.
Romela setifikeiti sa tswalo le karata ya moento, kapa karata ya transfere le raporoto ya ho qetela ya sekolo bakeng sa baithuti ba kileng ba ba sekolong pejana.
phemiti ya bodulo ba nakwana kapa ba dinako tsohle ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, kapa bopaki ba hore o entse kopo ya tumello ya ba mona Afrika Borwa.
Kopo ya hao e ka nka letsatsi le le leng ho isa ho a tsheletseng ho sebetswa.
Tjhelete ya sekolo e fapana ho ya ka sekolo ka seng.
Diforomo tsa kopo di fumaneha dikolong.
<fn>GOV-ZA. Admissiontooldagehome.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena ke ya maqheku a hlokang tlhokomelo ya dihora tse 24 lehaeng la maqheku.
Ke mang ya ka etsang kopo?
Maqheku a hlokang ho hlokomelwa ka dinako tsohle lehaeng la maqheku.
Batho ba fumanang thuso ya boqheku.
Basadi ba dilemo tse 60 le ka hodimo ho moo, le banna ba dilemo tse 65 le ka hodimo ho moo.
Tlatsa foromo ya kopo lehaeng la maqheku le haufi le wena.
Hlahisa tokomane ya hao ya boitsebiso ya Afrika Borwa.
O tla kengwa ditekong tsa tekolo ho bona hore na o a tshwaneleha ho amohelwa le ho fumana saposidi.
Ha kopo ya hao e atlehile o tla tshwanela ho saena tumellano le ba lehae la maqheku ha o amohelwa.
Ha kopo ya hao e sa ananelwa, o ka etsa boipiletso matsatsing a 90 ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa Setho sa Lekgotla la Phethahatso.
Ho ka nka matsatsi a 35 ho sebetsa kopo ya hao. Nako e tla itshetleha hodima palo ya batho ba lenaneng la bao ba emisitsweng.
Ditjeo di behwa lehae la maqheku.
Foromo ya tekolo bakeng sa ho bona hore o a tshwaneleha kapa Foromo ya DQ 98 e fumaneha mahaeng a maqheku.
<fn>GOV-ZA. Adoptingafosterchild.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho dumellwa ka molao ho ba motswadi wa letholwa ho bolela ho amohela bohlokomedi ka molao, ho ya ka ditsamaiso tsa molao, ba ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba bang. Ngwana ya hodiswang ke ngwana ya nkuweng ho batswadi ba hae a behwa ka molao tlhokomelong ya batswadi ba mo hodisang kapa lehaeng le hodisang bana.
motho ya nyetseng /nyetsweng eo mohatsae e leng motswadi wa ngwana; kapa ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo.
O tshwanetse o be le bokgoni bo lekaneng ba ho hlokomela le ho lefella thuto ya hae.
O tlameha o be le lebitso le letle mme o phele hantle o tshwanelehe ho ka nehwa botshepehi ba ho boloka ngwana.
Ha motswadi wa tlhaho wa ngwana e le moahi wa Afrika Borwa, le wena o tshwanetse o be moahi wa Afrika Borwa mme o dule Afrika Borwa.
Ha o se moahi wa Afrika Borwa, o tlameha ho ba le ditshwanelo tsa boahi kapa o be o se o entse kopo ya boahi.
Diketso tsa botswadi ba semolao tsa sephiring, moo batswadi ba ngwana ba sa dumellwang ho tseba bao e tlang ho ba batswadi ba semolao kapa moo ngwana a tlang ho phela teng ka mora kamohelo ya botswadi ba semolao, di taolong ya Section 18 of the Child Care Act, 1983 ya Molao wa Tlhokomelo ya Ngwana, 1983 mme di ka etsahala feela ha lekgotla la bana le kgotsofetse hore hona ho tla ba molemong wa sebele wa ngwana.
Ha lekgotla la bana le boletse hore ngwana kapa bana ba hloka tlhokomeloo le tshireletso, mmaseterata wa lekgotla la bana o tla beha bana bao tlasa tlhokomeloi ya boalosi, lehaeng la bana, sekolong sa indasteri kapa sebakeng sa polokeho. Leha ho le jwalo, ngwana kapa bana ba ka kgutlisetswa tlhokomelong ya motswadi, mohlokomedi kapa molebedi moo ba tla lekolwa ke mosebetsi wa tsa bodulo. Maemong ana, Lefapha Ntshetsopele ya Setjhaba le lefa thuso ya tlhokomelo ya ho hodisa ho batswadi ba hodisang.
Botswadi ba semolao bo rerwang bo tlameha ho ba molemong wa sebele wa ngwana mme bo be molemo thekolohelong ya ngwana.
Eya ho tlelereke ya lekgotla la bana seterekeng seo ngwana a dulang ho sona.
Motswadi ya hodisang eo ngwana a leng kgathallong ya hae, ha motswadi ya hodisang a sa etsa kopo ya ho amohela botswadi ba semolao ba ngwana. Ha, leha ho le jwalo, motswadi ya hodisang a hloleha ho nehelana ka tumello ya hae ho botswadi ba semolao nakong ya kgwedi a kopilwe ho etsa jwalo ke mothusi wa lekgotla la bana, tshebetso ya kamohelo ya botswadi semolao e tla tswela pele ntle le tumello ya hae e kotjwang.
e le motswadi wa ngwana eo, ho ya ka Karolo 16, ya behilweng kalosong ya motswadi ya hodisang kapa ke ngwana wa lehaeng la bana kapa sekolong sa indasteri; kapa a hana ka tumello ya hae ntle ho lebaka le utlwahalang.
Hangata tshebetso ya kamohelo ya botswadi ba semolao e nka nako e telele mme e ka lelefala le ho feta ha maemo a le marangrang.
Bakeng sa dipotso ka ditefiso ikopanye le diakgente, Makgotla a Molao a Bana le Diofisi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.
<fn>GOV-ZA. AmalgamatedBargainCouncil.2010-03-25.st.txt</fn>
Khansele ya ditherisano e sebetsana le ditumellano tse kopanetsweng, e rarolla dingangisano, e hloma dikimi tse mmalwa mme e tshwaela ka maano le melao ya mesebetsi.
Diyunione le mekgatlo ya boramesebetsi ba ka etsa kopo ya ho bopa dikhansele tsa ditherisano tse kopanetsweng.
Dikhansele tsa ditherosano tse kopangwang di ka etsa kopo ho Rejistra wa Dikamano Mosebetsing Lefapheng la Mesebetsi bakeng sa ho ngodisa khansele e kopantshitsweng ya ditherisano. Khansele efe kapa efe e ka etsa qeto ya ho kopana le khansele ya ditherisano e le nngwe kapa tse ngata.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Etsa kopo ho Rejistra ya Dikamano Mosebetsing bakeng sa ho ngodisa khansele ya ditherisano tse kopanetsweng.
Ho ka nka matsatsi a ka bang 60 ho sebetsana le kopo.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Amendcorporateinformation.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha kgwebo e batla ho fetola tlhahisoleseding ngodisong ya yona ya kgwebo, e tlangwa ke molao ho tlatsa foromo ya kopo. Ke tlhahisoleseding e moelana feela e ka fetolwang ntle le ho romela foromo.
Ho tlatsa foromo ya kopo ya ngodiso kgokahanong ya inthanethe ha ho etse hore o tshwanelehe ka ho iketsahalla ho fihlella ho nyalano e o dumellang ho etsa diphetoho tsa tlhahisoleseding ya kgwebo ya hao. Kamohelo ya ngodiso ya hao e nka letsatsi kapa a mabedi mme ke ka mora nehelano ya kamohelo feela, o tlang ho kgona ho etsa diphetoho.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
Lokisa tsebiso ya lefapha le molaong ka tsela ya khompyutara.
<fn>GOV-ZA. Anonymousreporting.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e fumaneha dihoreng tse 24 ka letsatsi mme e fuwa motho ofe kapa ofe ya batlang ho tlaleha bonokwane kapa ketso tsa bonokwane ka thelefounu ka ho fana ka dintlha tse ka thusang mapolesa ho thibela kapa ho fuputsa taba eo. Motho ya letsang a tlaleha a ka ikgethela ho se fane ka lebitso la hae.
Hopola 08600 10111 ke nomoro ya Tlhahisoleseding ka Bonokwane.
Nomoro ya Maemo a Tshohanyetso a Bonokwane ke 10111.
Mediator ya fanang ka tlhahisoleseding wa crime stop o tla araba mohala a ngole fatshe dintlha tse leng teng. O ka nna wa kgetha ho se hlahise lebitso la hao.
Mediator o tla ho neha nomoro ya khoutu ya sephiring bakeng sa referense ya nako e tlang.
O tla thuswa ka potlako.
Mehala e lefiswa ka ho ya ka ditekanyetso tsa ditefiso tsa lapeng le ka ditekanyetso tse amohelehileng tsa diselula ho tswa founung ya selula.
Ha ho na diforomo tse lokelwang ho tlatswa.
<fn>GOV-ZA. AppPermImportFishRecreational.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho tshwasa dihlapi bakeng sa boithapollo ke ho kena mosebetsing wa ho romela dihlapi ho tswa kantle ka sepheo sa ho ithapolla. Bakeng sa ho romela dihlapi ho tswa kantle bakeng sa boithapollo, o lokela ho etsa kopo bakeng sa tumello ya ho romela dihalpi ho tswa kantle, tumello e ntshwa ke Letona la ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa mokgatlo o filweng tumello. Hlapi e rometsweng ho tswa ntle ha e ya lokela ho rekiswa, empa e be ya motho ya e rometseng feela. Ha ho motho ya dumeletsweng ho romela hlapi ho tswa kantle ho naha ntle le tumello. Etsa kopo bakeng sa phemiti ya ho romela hlapi ho tswa ntle ha tumello ya jwalee fellwa ke nako. Ebang o hloleha ho phethisa ditshwanelo tsa phemiti, phemiti e jwalo e tla kginwa kapa e emiswe.
Hlokomnela: Phemiti ya ho romela hlapi bakeng sa boithapollo ha e kenyeletse hlapi ya metsi a hlwekileng e laolwang ke Lefapha la Temo . Kopo bakeng sa ho romela hlapi ya metsi a hlwekileng e etswa le ho ntshwa ke Lefapha la Temo.
Ha o ya lokela ho romela ho tswa ntle mofuta wa hlapi o thibetsweng ho latela CITES. , leba ho http://www.cites.org.
Phemiti ya ho romela ho tswa ntle hlapi e sebediswang bakeng sa boithapollo le ho jewa e tla sebetsa feela nako ya leeto la ho ya le ho kgiutla naheng eo hlapi e latwang teng.
Ha o ya lokela ho romela ho tswa ntle hlapi e phelang.
letsatsi la ho tswa le ho kgutlela Afrika Borwa lebitso la naha e etelwang hlalosa lediboho la Afrika Borwa moo o tla kena le teng kahara Afrika Borwa bopaki ba aterese moo o dulang teng, dinomoro tsa mohala le nomoro ya fekese ya Afrika borwa hlalosa hore na hlapi eo e tla romelwa jwang ho tswa kantle khophi e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya moikopedi e mong le e mong bopaki ba tefo ha ho amohelwe fekese, dikhophi kapa e-mail diforomo di ka tliswa ka letsoho kapa tsa romelwa ka poso.
Etsa kopo dibeke tse pedi pele o kena leetong bakeng sa ho dumella hore kopo e sebetswe.
Ha ho kopo e batlehang bakeng sa beiti, Empa etsa bonnete hore o tshwere phemiti ya beiti ya boithapollo ho dumellwa feela mokotla wa beiti ya letsatsi0 kapa selipi se bontshang beiti e rekilweng.
Kopo e ka nna ya nka matsatsi a 7 a tshebeletso kapa ho feta ho ya ka palo ya dikopo tse entsweng.
Tefo ya kopo ya R120 e kenyeletsang tsohle.
Nomoro ya Tsebiso.
Ditjhelete tse lefshwang di ka nna tsa fetoha ka selemo ho ya ka Letona la ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi, kapa mokgatlo dumeletsweng ka tshebedisanommoho le Letona la Ditjhelete.
<fn>GOV-ZA. AppPermitExportFishCommercial.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho hweba ka hlapi ke ho kena kgwebong ya ho tshwasa hlapi jwaleka ho romela hlapi ntle ka mabaka a kgwebo. Bakeng sa ho romella hlapi kantle ho meedi ya Riphaboliki ya Afrika Borwa, o tlamehile hore o etse kopo ya phemiti ya ho romella hlapi kantle ho naha e ntshwang ke Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa mokgatlo o filweng taolo e jwalo. Ha ho motho ya ka romellang hlapi kantle ho naha ntle le phemiti. Ebang phemiti eo o nang le yona e fellwa ke nako kamora dikgwedi tse tharo, o lokela ho etsa kopo e nngwe. Ebang o ka hloleha ho phethisa ditshwanbelo tsa phemiti, sena se ka etsa hore phemiti ya hao e kginwe kapa e phumulwe ka hohle hohle.
Hlokomela: Phemiti ena ya ho romela hlapi kantle ho naha ha e kenyeletse hlapi ya metsi a hlwekileng e laolwang ke Lefapha la Temo . Dikopo bakeng sa phemiti ya ho romela hlapi ya metsi a hlwekileng kapa hlapi ya mofuta wa tropiki e lokela ho lebiswa Lefapheng la Temo.
Ha o ya lokela ho romela ho ya ntle mofuta wa hlapi o thibetsweng ho latela . Bakeng sa dintlha tse feletseng ka Tumellano ya Matjhaba ya Kgwebisano ka Tse ka nnang tsa timela, leba ho http://www.cites.org.
Phemiti e nngwe le e nngwe ya ho romela ntle mofuta ona wa hlapi, - bigeye tuna, southern bluefin tuna, swordfish, Antarctic toothfish, and Patagonian toothfish e lokela ho tsamaya le tokomane e supang dipalopalo tse lokelang ho tshwaswa tsa hlapi eo bakeng sa morwalo o mong le o mong. Ditokomane tsa dipalopalo tsa hlapi e lokelang ho tshwaswa di fumaneha Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi, Lekala la Tsamaiso ya Mawatle le Mabopo , Bolaodi ba Tsamaiso ya Botshwasi ba Dihlapi ka thoko ho lebopo le hare maqhubung a maholo.
Etsa kopo ya phemiti ya ho romela hlapi kantle.
Fumana foromo ya kopo bakeng sa ho romela hlapi kantle mmoho le foromo ya kopo ya CITES ho ba Tsamaiso ya Mawatle le mabopo kapa lekala la ofisi ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa fumana foromo ho http://www.mcm-deat.gov.za.
Bala foromo ya kopo ka hloko mme o etse bonnete hore o phethisa ditlhoko le dipehelo tsa kopo.
aterese ya bodulo ya motho ya romelang hlapi eo ho tswa naheng ena mabitso a tlwaelehileng le a saense a hlapi e tlilo romelwa ntle palo ya mefuta ya hlapi e tlilo romelwa ntle ebang ho etsahala hore ho be le lehokela le tsamaisang hlapi dipakeng, ho tlamehile hore tumellano pakeng tsa mekga e mmedi e hokelwe mmoho le dikhophi tsa tokomane tsa boitsebiso tsa mekga eo ho lokela ho fanwe ka dikhophi tsa ditokomane tsa dipalopalo tsa hlapi e ileng ya romelwa ntle ka phemiti e fetileng tsa hlapi ya mofuta wa - bigeye tuna, southern bluefin tuna, swordfish, Antarctic toothfish, and Patagonian toothfish.
bopaki ba hlapi eo tsamaiswang le aterese ya bodulo ya batho ba fepelang motho eo ka hlapi hore e romelwe kantle ho naha mabitso a tlwaelehileng le a saense a hlapi e tlilo romelwa kantle ho naha palo ya hlapi e tlilo romelwa kantle ho naha.
tokomane ya hao ya boitsebiso le ditokomane tsa ngodiso ya khamphani ya hao kapa close corporation kapa terasete.
diphemiti tse feletseng tsa ho romela hlapi kantle ho naha ho tswa Lefapheng la Kgwebo le Indaseteri kapa tsebiso tsa diphemiti.
setefikeiti se bontshang tefo ya lekgetho se ntshitsweng ke ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa.
Tsebisa lekala le haufi le wena la Biro ya taolo ya Maemo ya Afrika Borwa ka morwalo wa hao o romelwang kantle ho naha ebang hlapi eo o e romelang ha se hlapi e phelang mme ha e yo jewa ke batho. Ebang hlapi e le e phelang mme e ilo jewa ke batho , tsebisa Lefapha la Bophelo.
Ho hlokeha tefo ya kopo ya R225.
Tlatsa, o saene mme o pose kopo ya phemiti ya ho romela hlapi kantle ho naha mmoho le ditokomane tse hlokehang di romelwe ofising ya Tsamaiso ya Mawatle le Mabopo.
Dikopo tsa di-orijinale di poswe, ebang o hloleha ho etsa seo phemiti e ke ke ya ntshwa.
Kopo e ka nna ya nka matsatsi a 7 a tshebetso kapa ho feta le teng ebang kopo e tlatsitswe hantle.
Tjhelete ya kopo ke R225 . Ditjhelete tse lefshwang di lekolwa selemo le selemo ho ya tekolo ya Letona la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa mokgatlo filweng tumello e jwalo ka tshebedisano le Letona la Ditjhelete.
Nomoro ya tsebiso.
<fn>GOV-ZA. Appcitnat.2010-03-25.st.txt</fn>
Mang kapa mang ya nang le phemiti ya bodudi ba saruri ba Afrika Borwa o tshwaneleha ho etsa kopo ya boahi ba naha ya Afrika Borwa ka mokgwa wa ho nehwa boahi ba naha ha o tshwaneleha ka mora nako e beuweng ka mora dilemo tse hlano a le modudi wa saruri.
Motho ofe kapa ofe ya nyetseng kapa ya nyetsweng ke moahi wa Afrika Borwa o a tshwaneleha bakeng sa ho etsa kopo ya ho ba moahi wa naha wa ka mora dilemo tse beuweng mme hona ke dilemo tse pedi ka mora ho fumana phemiti ya hae ya bodudi ba saruri eo a e fuwang ka nako ya lenyalo.
Ngwana ya leng dilemo tse ka tlase ho tse 21 ya nang le phemiti ya bodudi ya saruri o a tshwaneleha ho ba moahi wa ka mokgwa wa naturalisation ka potlako ka mora ho ba a fuwe phemiti.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Tlatsa diforomo tsa BI-63 le BI-757 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Hlahisa phemiti e sebetsang ya bodudi ya saruri kapa lengolo la tokollo ditlamong.
Tlatsa foromo ya SAP e nang le sete e felletseng ya kgatiso tsa menwana bakeng sa clearance certificate ya mapolesa.
Romela foromo e tlatsitsweng ya kopo ya BI-9 e nang le sete e felletseng ya kgatiso tsa menwana le dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang ho ID hao le dilemo tse ka hodimo ho tse. Hona ke bakeng sa ho fumana tokomane ya boisebiso ka mora ho ba kopo ya boahi ba naha ha o se o tshwanelaha ka mora nako e beuweng e ananelwe.
Motswadi ya ikarabelang a ka etsa kopo lebitsong la ngwana eo ya dilemo tse tlase nakong efe kapa efe, ha feela ngwana eo ya dilemo tse tlase a phela mona Afrika Borwa saruri hape ka molao.
Bakopi bao dikopo tsa bona di ananetsweng, ba tla kotjwa hore ba saene Phatlalatso ya Botshepehi mme ba tla fuwa setifikeiti sa ho ba baahi ba naha ha ba se ba tshwanelaha ka mora nako e beuweng se nang le nomoro ya R.
Ho tla fanwa ka tokomane ya boitsebiso mme e romelwe ho mokopi.
Bakopi bao dikopo tsa bona di hanetsweng ba tla tsebiswa ka mokgwa o tshwanetseng.
Dikopo di ka nka dikgwedi tse ka bang 2 ho isa ho tse 4.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Appealingagainsttherefusalofregistration.2010-03-25.st.txt</fn>
Bakeng sa ho banka ka mokgwa wa elektroniki le kenya tjhelete ka ho otloloha: Thusa o sebedise ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ho hlwaya tefo ya hao setatementeng sa banka ya rona mme o romele bopaki ba tefo ka fekse mmoho le leqephe la pele la foromo ya hao ya kopo ho 841 1057.
<fn>GOV-ZA. ApplicationforRegistrationofGroup1Fertilizer.2010-03-25.st.txt</fn>
Menontsha yohle e tliswang ka hara naha, e hlahiswang kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e lokelwa ho ngodiswa le Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947. Mokopi o lokela ho ba motho ka ho ya ka molao, mohlala, John Peter Citizen T/A Diepsloot Stud.
Khampani ya mose e ke ke ya kgona ho etsa kopo ya ngodiso mona Afrika Borwa Ke khampani e ngodisitsweng mona ka hara naha feela, moahi wa naha ya Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa mokga wa semolao o ngodisitsweng mona Afrika Borwa o ka etsang kopo ya ho ngodiswa ha menontsha.
popeho ya phepelo ya dijo tsa polasing ha e fapohe popehong e ngodisitsweng dintlha le mantswe a ananetsweng bakeng sa leibole kapa setshelo a ke ke a fetolwa pele ntle le tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra dipehelo tse beuweng ka nako ya ngodiso di a latelwa ngodiso e amehang e ke ke ya transferwa boholo ba mokotla kapa setshelo bo ke ke ba fetolwa pele ho tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra.
Kopo ya ngodiso ya phepelo ya dijo tsa polasing le menontsha e na le hona ho latelang lengolo le tsamayang le yona le tswang ho motho ya ngodisitseng kapa moemedi ya kgethuweng.
lebitso la sehlahiswa nomoro ya ngodiso haebe sehlahiswa se se se ngodisitswe lebaka la thomelo mangolo a tumello haebe tumello ho tswa ho ya ngodisitseng e hlokeha tefello e nepahetseng ya kopo ditjheke tse rometsweng ka thoko ho kopo di lokelwa ho tsamaya le lengolo le hlalosang pampitshana ya popeho.
Romela foromo ya kopo bakeng sa dikopo tse ntjha le diphetolo ngodisong e ntseng e le teng, ho kenyelletswa le phetolo ya popeho. Romela diforomo tsa kopo ka bobedi o tlatse diforomo ka botlalo, ntle le ho sheba morao dikopong tsa pejana, dinomoro tsa maqephe kapa dihlahiswa tse ding.
Motho ya kgethuweng semolao, ya lokelang ho ba eo Rejistra a tla iteanya le yena khampaning, o lokela ho saena diforomo tsa kopo.
Lebitso le nomoro ya ngodiso ya sehlahiswa di lokelwa ho sebediswa jwalo ka ha ho boletswe setifikeiting sa ngodiso. Phetoho efe kapa efe ya lebitso, le ha ho ka hanyenyane jwang, e tla nkuwa e le phetolo.
Romela diforomo tsa kopo ofising ya tsamaiso. Ho fana ka diforomo tsa kopo ho di-Technical Adviser ho ka diehisa mosebetsi.
e romele ka bobedi romela ka puo ya Senyesemane le ya Afrikanse. Ha ho hlokehe hore dileibole di hatiswe ka dipuo tseo tse pedi o lokela ho hlaka; ka mokgwa o nepahetseng o se ke wa kenya dinomoro ditemosong le ditlhokomedisong dintlha tsohle tse leiboleng di lokela ho tsamaelana hantle le tseo tse foromong ya kopo.
Romela kopo ya hao le tefello ho Rejistra ya Molao wa 36 wa 1947.
Ngodiso ya menontsha e ka nka dikgwedi tse ka bang tharo ho isa ho tse nne.
<fn>GOV-ZA. Applicationforabusinesspermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya kgwebo ke phemiti e fuwang motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle ya batlang ho hloma kapa ho beeletsa kgwebong mona Afrika Borwa. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa kapa ofising ya Ditaba tsa Lehae e haufi le moo kgwebo e tla hlongwa teng.
bonyane R2,5 miliyone ka kontane kapa bonyane R2 miliyone ka kontane le capital contribution ya R500 000. Palo ena e lokela ho tswa naheng ya ka ntle mme e fumanehe bakeng sa ho beeletswa jwalo ka karolo ya boleng ba kgwebo morero wa kgwebo o hlalosang bokgoni ba kgwebo, nakong e kgutshwane le e telele bopaki ba tiisetso ya hore bonyane batho ba bahlano bao e leng baahi ba naha kapa badudi ba saruri ba tla hirwa boitlamo ba ho ingodisa lekaleng la ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa clearance certificate ya mapolesa ho tswa dinaheng tsohle tseo mohatsa hao a dutseng ho tsona haesale ho tloha dilemong tse 18 le bakeng sa bana ba ka tlasa tlhokomelo ya hao ba dilemo tse 18 kapa ka hodimo ho moo ba tla ba le wena ha o le ka hara naha setifikeiti sa moento wa yellow fever ha o hahlaula kapa o ikemiseditse ho hahlaula ho tswa kapa hara tikoloho e nang le sewa sa yellow fever depositi bakeng sa morero wa ho kgutlisetswa lapeng e leng ya boleng ba tefello ya tekete ya leeto le le leng la sefofane ho ya naheng eo o tswang ho yona kapa sebakeng sa bodulo sa saruri: Depositi e jwalo e tla kgutliswa ha o se o tsamaya la ho qetela kapa ka mora ho ba o fuwe phemiti. Depositi e ka leshwa ka mokgwa wa tjheke e tiiseditsweng ke banka kapa credit card sebakeng se nang le difasilithi tsena diraporoto tsa bongaka kapa tsa radiology bakeng sa mokopi ka mong. Bana ba ka tlase ho dilemo tse 12 le baimana ba ke ke ba kotjwa hore ba be le diraporoto tsa radiology.
Molao o sebediswang jwalo ka ha o fetotswe.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforachildpassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Phasepoto ya ngwana ke tokomane e hlokehang hore ngwana a tsamayae ho ya naheng e nngwe. Phasepoto ya ngwana e fuwa bana ba Afrika Borwa ba ka tlasa dilemo tse 16. E sebetsa ho ya dinaheng tsohle ntle le ha ho boletswe ka mokgwa o mong. Yona e sebetsa bakeng sa dilemo tse 5 ho tloha letsatsing leo e ntshitsweng ka lona.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-9 le BI-309 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae e haufi le wena. E romele hape le embasing le misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le ka ntle ho naha.
Romela dinepe tse pedi tsa moraorao tsa phasepoto.
Tumello ya batswadi ka bobedi kapa bahlokomedi e ya hlokeha pele ngwana a ka fuwa phasepoto.
Hlahisa setifikeiti sa ho hlokahala haebe motswadi e mong o hlokahetse.
Moo tumello e tswang ho mohlokomedi, mabaka a bohlokomedi a lokelwa ho bolelwa.
Tlasa mabaka a ikgethang mme ho sa kgonahale hore motswadi eo a fane ka tumello foromong ya kopo, tumello e ngotsweng fatshe ka lengolo e lokelwa ho fumanwa ho tswa ho motswadi ya leng siyo.
Moo motswadi a hanang ho fana ka tumello, lekgotla le nang le bokgoni le lokela ho etsa qeto ka taba ena. Khopi ya taelo ya lekgotla le tshwanetseng e lokela ho tsamaya le foromo ya kopo ya phasepoto.
Ha batswadi ba hladile, tumello ya batswadi ka bobedi e ya hlokeha ntlle le haebe taelo ya lekgotla e bolela ka mokgwa o mong.
Phasepoto ho ka fanwa ka yona dibekeng tse 6 ho isa ho tse 8.
<fn>GOV-ZA. Applicationforacrewpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya moifo e nehwa motho ya tswang dinaheng tse ka ntle eo e leng setho sa moifo wa dikepeng. Phemiti ya moifo ho ka fanwa ka yona bakeng sa nako ya boholo ba dikgwedi tse tharo ka nako e le nngwe. Dikopo di ka etswa koung ya makeno a Afrika Borwa.
Romela phasepoto e sebetsang.
Hlahisa lengolo la kopo ho tswa ho monga sekepe, ho kenyelletswa le boitlamo ba ho ba le boikarabelo ba hore motho eo o tla dumellana Molao wa Bofalli, 2002.
Romela bopaki ba hore ho na le tjhelete e lekaneng ya monga sekepe bakeng sa ho sireletsa ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi le ditjeo tsa bongaka.
Lefa depositi, ha ho bonwa ho hlokeha ke ba Ditaba tsa Lehae, bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho latelwa maemo le dipehelo tsa phemiti ya moifo. Depositi e jwalo o tla kgutlisetswa ka mora ho ba o tsamaye la ho qetela kapa ka mora ho fuwa phemiti. Tefello ya depositi e ka etswa ka mokgwa wa tjheke e tiiseditsweng ya banka kapa ka credit card dibakeng tse nang le difasilithi tsena.
Romela bopaki ba hore o tla lefa neng ditefiso tse salletseng morao tse fihletsweng ke conveyor.
Dikopo di nka nako ya matsatsi a ka bang 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforageneralquotaworkpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya khouta e akaretsang ya mosebetsi e fuwa motho ya tswang naheng e ka ntle ha motho eo a wela sehlopheng seo ho entsweng qeto ka sona ke Lefapha la ditaba tsa Lehae selemo le selemo ka tsebiso Koranteng ya mmuso ka mora ho rerisana le Letona la Kgwebo le Indasteri le la Mesebetsi. Palo ya diphemiti bakeng sa sehlopha seo e ke ke ya feta khouta e tla hlwauwa ka tsebiso.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738 embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa.
hore o ke ke wa hirwa tlasa maemo le dipehelo tse ka tlase ho tseo tse fuwang baahi kapa badudi ba naha mosebetsi o tlilo o etsa hore mosebetsi o wela sehlopheng se tshwanetseng se beuweng ke Letona hore sekgeo sa mosebetsi se teng mme se tla tlatswa ke wena hore o na le mangolo a thuso a semolao a hlokehang bakeng sa mosebetsi jwalo ka ho hlalositswe.
Romela boitlamo ba ramosebetsi ba ho lefa tefello ya thupelo ya dipersente tse pedi..
Motho ya tla ba ramosebetsi o lokela ho tlatsa karolo ya 13 , , le ya foromo ya kopo BI-1738.
Hlahisa bopaki ba ngodiso mokgeng kapa lekgotleng la profeshenale, ha ho tshwaneleha.
Tshebeletso ena e nka boholo ba matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforamarriagecertificate.2010-03-25.st.txt</fn>
Setifikeiti sa lenyalo se sebetsa jwalo ka bopaki ba hore o nyetse kapa o nyetse. Lenyalo le lokelwa ho tsamaiswa ho na le batho ba babedi ba nyalanang, dipaki tse pedi tse tshwereng ditokomane tsa tsona tsa boitsebiso le moofisiri wa manyalo.
Tiisetsa ngodiso ya lenyalo la hao websaeteng ena.
Batho ba nyalang ba lokela ho tshwara ditokomane tsa bona tsa boitsebiso mme ba tlatse foromo ya BI-31.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-130 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o dula mose.
Lenyalo le ka tjhaelwa monwana semmuso ke moofisiri ya kgethuweng wa manyalo ho tswa sehlopheng se ikgethang sa bodumedi kapa mokgatlo kapa moemedi wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Lenyalo le lokelwa ho tshwarelwa kerekeng, moahong o sebedisetswang ditaba tsa bodumedi feela, ofisi ya setjhaba kapa ntlo ya poraefete. Haebe motho ya se a tlilo nyala a ka lemala haholo kapa a kula, lenyalo leo le ka tshwarelwa sepetlele.
Batho ba dinaheng tsa ka ntle ba nyalang mona Afrika Borwa ba lokela ho ba le diphasepoto tse sebetsang mme ba tlatse foromo ya kopo ya BI-31.
Batho ba babedi ba nyalang, dipaki tse pedi le moofisiri wa manyalo ba lokela ho saena Rejista ya Manyalo ka potlako ka mora lenyalo.
Batho ba eso fihle dilemong tse dumelletsweng ke batho ba ka tlase ho dilemo tse 21 ba eso ka ba nyala. Ka ho ya ka molao, batho ba kileng ba nyala kapa ba nyalwa pejana mme lenyalo la bona la qhalwa ke ho hlokahala ha e mong kapa ho hlalana, bona ha ba sa nkuwa e le batho ba dilemo tse eso dumellwe.
Ho romela tumello e ngotsweng fatshe ya batswadi ka bobedi le/kapa bahlokomedi ba semolao mmoho le foromo e tlatsitsweng ya kopo e leng ya BI-32. O ka etsa kopo ya tumello ho tswa ho Mokhomishenara wa Paballo ya Bana ha motswadi kapa batswadi ba sa fumanehe kapa o sa tsebe ho dumella lenyalo.
O ka etsa kopo ya tumello Lekgotleng le Phahameng tikolohong eo o dulang ho yona haebe batswadi ba hao le/kapa Mokhomishenara a hana ho dumella lenyalo.
Batho ba hladileng mme ba batla ho nyala hape ba lokela ho ba le taelo ya semmuso ya tlhalo. Ba romele afidaviti ha ho na le lebaka le utlwahalang la ho se kgone ho hlahisa taelo ya semmuso ya tlhalo kapa ba hlalane ba le dinaheng tse ka ntle mme ba sa kgone ho e fumana. Afidaviti e lokela ho bolela hore mokopi o hladile semmuso, lebitso la lekgotla le mohla tlhalo.
Batho ba hlokahalletsweng ke bahatsa ba bona mme ba batla ho nyala hape ba lokela ho hlahisa setifiketi sa lefu sa mohatsa. Ba romele afidaviti ha setifikeiti se le siyo. Afidaviti e lokela ho tiisetsa lebitso le mohatsa ya hlokahetseng le mohla oo a hlokahetseng ka ona.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng: Ho fanwa ka sona ka potlako.
Setifikeiti se sa kgutsufatswang: Dikopo di ka nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.
<fn>GOV-ZA. Applicationforamaxipassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Maxi passport ke tokomane ya maqephe a 64 e etseditsweng batho ba etang kgafetsa. Maxi passport e tshwana hantle le phasepoto ya bahahlaudi empa feela yona e na le palo e menahaneng habedi ya maqephe ho lokisetsa hore e be le maqephe e lekaneng bakeng sa di-visa.
fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo sebetsa bakeng sa ho etela dinaha tsohle tse kenyelleditsweng ho yona sebetsa bakeng sa dilemo tse 10 ho tloha letsatsing leo ho fanweng ka lona.
Tshwara tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo ha o etsa kopo.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 mme o ise ka bowena ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. E ise embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.
Ha o se tokomane ya boitsebiso mme o siiuwa ke nako, o ka etsa kopo ya phasepoto le tokomane ya hao ya boitsebiso ka nako e le nngwe.
Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 6.
<fn>GOV-ZA. Applicationforamedicaltreatmentworkpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya kalafo ya bongaka e fuwa motho ya tswang ka ntle ho naha ya batlang ho fumana kalafo ya bongaka mona Afrika Borwa. Phemiti e jwalo ya kalafo ya bongaka e sebetsa bakeng sa boholo ba dikgwedi tse tsheletseng ka nako. Etsa kopo ya phemiti ya phapanyetsano embasing kapa misheneng o haufi le wena wa Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738.
Romela phasepto e lokelang hosebetsa nakong ya matsatsi a seng ka tlase ho a 30 ka mora ho fellwa ke nako ya leeto le neng le lohothwa.
Romela bopaki ba tjhelete bakeng sa ho lefella ditlhoko tsohle tsa letsatsi le letsatsi tsa batho bohle hore di tsamaye le motho ya tshwereng phemiti ya bongaka mme bona bo be ka mokgwa wa ditatemente, ditlankana tsa moputso kapa ditjheke tsa boeti.
Romela lengolo le tswang ngakeng kapa institjhusheneng ya bongaka, le hlahisang mabaka kapa tlhokeho ya kalafo, nako e lebelletsweng ya kalafo le dintlha tsa merero ya kalafo mona Afrika Borwa.
Fana ka dintlha tsa motho kapa institjhushene e tla ba le boikarabelo ba ditjeo tsa bongaka le ditefello tsa sepetlele tsa motho ya tshwereng phemiti, ha e le teng. Romela bopaki ba ditjhelete kapa tshireletso ya bongaka haebe sekimi sa hao sa bongaka kapa ramosebetsi wa hao a ke ke a ba le boikarabelo ba molato o bileng teng.
setifikeiti sa moento, ha ho hlokeha.
Dikopo di ka nka boholo ba matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforanemergencypassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Phasepoto ya tshohanyetso ke tokomane e hloekhang ka potlako ha o batla ho etaela dinaheng tsa boahisani tse sa hlokeng divisa tsa ho kena. Phasepoto ya tshohanyetso hape e ka sebediswa bakeng sa ho kgutla Afrika Borwa ka tshohanyetso. Yona e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse robong ho tloha letsatsing leo ho fanweng ka yona, empa bakeng sa leeto le le leng feela ho ya naheng eo e amehang le ho kgutla Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae.
lengolo le hlalosang hore ke ka baka lang o hlokang phasepoto ya tshohanyetso tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo afidaviti haebe phasepoto ya hao ya Afrika Borwa e lahlehile kapa e utswitswe dinepe tse nne tsa bohlo bo sebediswang phasepotong.
Dikopo di ka nka matsatsi a fihlang ho a mahlano a ho sebetsa.
<fn>GOV-ZA. Applicationforanexceptionalskillsworkpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya bokgoni ba mosebetsi o ikgethang e fuwa motho ya tswang dinaheng tse ka ntle ya nang le bokgoni bo ikgethang ba mosebetsi kapa mangolo a thuto a ikgethang. E ka fuwa hape le ditho tse lelapa la motho eo tseo a phelang le tsona. Dikopo di ka etswa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738.
Phasepoto e lokela hore be e sebetsa bakeng sa matsatsi a seng ka tlase ho a 30 ka mora ho fela ha leeto le lohothwang.
Romela curriculum vitae e felleng mmoho le lengolo la bopaki ho tswa ho boramosebetsi ba pejana.
Bopaki ba ditjhelete bo jwalo ka ditatemente tsa banka, ditlankana tsa moputso, boitlamo ba motho ya ho tla ho amohela mona Afrika Borwa, dibasari, tshireletso ya bongaka, kapa tjhelete eo o nang le yona ya kontane, ho kenyelletswa le di-credit card kapa di-traveller's cheque, tse tla ho sireletsa nakong eo o dulang mona Afrika Borwa.
Setifikeiti sa moento, ha ho hlokeha.
Hlahisa lengolo ho tswa setheong sa mmuso sa naheng e ka ntle kapa Afrika Borwa, mokgeng wa tsa setso kapa kgwebong, le tiisetsang bokgoni bo ikgethang ba mosebetsi kapa ba mangolo a thuto.
Hlahisa bopaki bofe kapa bofe bo bong bo tiisetsang bokgoni bo ikgethang ba mosebetsi kapa mangolo a thuto a ikgethang, jwalo ka diphatlalatso le mangolo a bopaki.
Kopa eo ya tla ba ramosebetsi wa hao ho tlatsa karolo ya 13 , , le ya BI-1738.
Tshebeletso ena e nka boholo ba nako e etsang matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforanintracompanytransferworkpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya intra-company transfer e fuwa motho ya tswang naheng e ka ntle ya transferilweng ke khampani ya hae ho tla sebetsa khampaning e nngwe ya yona mona Afrika Borwa. Boholo ba nako ya phemiti ya mosebetsi ya intra-company transfer ke dilemo tse pedi. Dikopo di ka etswa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738.
Hlahisa lengolo le tswang khampaning ya mose le tiisetsang hore o tlilo transferelwa lekaleng la Afrika Borwa kapa khampaning e Afrika Borwa.
Hlahisa lengolo le tswang khampaning ya Afrika Borwa le tiisetsang transfere ho tswa khampaning e kgolo ya mose, ekasitana le ho bolela hore o tlilo etsa mosebetsi ofe le hore o tla hirwa tlasa maemo afe.
Kopa eo ya tla ba ramosebetsi wa hao ho tlatsa karolo ya 13 , , le ya foromo ya BI-1738.
Romela setifikeiti se tswang ho chartered accountant e sebetsang lebitsong la ramosebetsi se hlahisang tlhokeho ya hore o hirwe mme se hlalosa le mosebetsi oo o tlilo o etsa.
Romela setifikeiti se tswang ho chartered accountant se bolelang hore o ke ke wa hirwa ka dipehelo le maemo a ka tlase ho a baahi le badudi ba naha le hore o na le mangolo a thuto a semolao a hlokehang bakeng sa mosebetsi.
Hlahisa bopaki ba ngodiso mokgeng kapa lekgotleng la profeshenale, ha bo le teng.
Tshebeletso ena e ka nka boholo ba nako e etsang matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforanofficialpassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Phasepoto ya semmuso e nehwa bahlanka ba sebeletsang ditheo tsa mmuso ha ba batla ho eta ho ya mose ka mosebetsi wa bona wa semmuso. Phasepoto ena ya semmuso e sebetsa sebaka sa dilemo tse hlano.
Etsa bonnete ba hore o na le tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo bakeng sa ho etsa kopo.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 e be o e isa ka bowena ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. E ise Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Etsa hore o nkuwe dikgatiso tsa menwana hore o kengwe Rejistareng ya Baahi.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.
Etsa kopo ya phasepoto ya hao ya semmuso le ya tokomane ya boitsebiso ka nako e le nngwe haebe ha o kgone ho leta.
Romela lengolo le tswang ho ramosebetsi wa hao le bolelang mabaka a hore o hloke phasepoto ya semmuso.
Tshebeletso e nka beke e le 1 ho isa dibekeng tse 6.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermanentresidencepermitspouses.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebediswa ho batho ba tswang dinaheng tse ka ntle ba nang le dikamano tsa lerato la saruri le baahi ba naha ya Afrika Borwa kapa badudi ba saruri.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29.
Dikamano tsa bophelo tsa saruri pakeng tsa di-homosexual le di-heterosexual le tsona di amohelehile, empa ho ena le setifikeiti sa lenyalo, balekane ba jwalo ba lokela ho hlalosa mabaka a etsang hore ba dule mmoho le ho tshehetsana ka tsa ditjhelete ka ho romela afidaviti.
Hore Lefapa la Ditaba tsa Lehae le fane ka phemiti ya bodulo ya saruri ho molekane ya tswang naheng e ka ntle wa moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa saruri, lona le lokela ho kgotsofala hore ho na le kamano ya botshepehi ya balekane bao.
Phemiti ya bodulo ba saruri ho fanwa ka yona tlasa pehelo ya hore e tla fela, dilemong tse pedi ho tloha mohlang ho fanweng ka yona, ha dikamano di se di le siyo pakeng tsa balekane bao ba babedi, ntle le ha ho ka ba le ya hlokahalang.
Ke molekane ya mong feela wa lenyalo ya tswang naheng e ka ntle ya ka etsang kopo ya boemo bona ka ho ya ka hore o nyetse le moahi wa naha kapa modudi wa saruri.
O lokela hor4e o be o nyetse le moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa saruri ka ho ya ka molao wa civil law kapa customary law nakong ya dilemo tse hlano.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitapplicantsover21.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ya tswang naheng ya ka ntle eo e leng ngwana wa baahi ba naha ya Afrika Borwa mme a le ka hodimo ho dilemo tse 21 a ka etsa kopo ya phemiti ya bodulo ba saruri.
Tshebeletso ena haholoholo ke ya bana ba batswadi ba fumaneng boahi ba naha ka mokgwa wa ho ba naheng dilemo tse itseng tse beuweng . Bana ba baahi ba naha ya Afrika Borwa ka tswalo le ka tlhaho ba tshwaneleha bakeng sa boahi ba naha ya Afrika Borwa mme ha ba lokela ho etsa kopo ya bodulo ba saruri.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Batswadi ba hao ba ka kotjwa ho romela tiisetso ya thuso ya ditjhelete, mme hona ho tla ya ka mokgwa oo o fumanang tjhelete ka ona.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitchildofcitizen.2010-03-25.st.txt</fn>
Karolo ena e sebetsa ho motho ya tswang ka ntle ya leng dilemo tse ka tlase ho tse 21 mme e le ngwana wa moahi wa naha ya Afrika Borwa kapa modudi wa saruri. Phemiti ya bodulo ba saruri ho fanwa ka yona tlasa pehelo ya hore e tla fela ka mora dilemo tse pedi ho tloha nakong eo o etsang dilemo tse 21, ntle le ha ho entswe kopo ya tiisetso ya boemo ba bodulo ba hao.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29.
Batswadi ba kotjwa hore ba romele bopaki ba boahi ba bona kapa boemo ba bodudi ba saruri ba Afrika Borwa mme hona ba ka ho etsa ka ditokomane tsa boitsebiso kapa diphemiti tsa bodudi ba saruri.
Bakeng sa ho bontsha bopaki ba botswadi, romela setifiketi sa ngwana sa tswalo.
Batswadi ba lokela ho romela bopaki ba hore ba na le tshehetso ya ditjhelete.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitfamilyreunionscheme.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho bao e tla ba badudi ba saruri ba batlang ho etsa kopo ya phemiti ya bodulo ba saruri ka ho ba setho sa lelapa la moahi wa Afrika borwa kapa modudi wa saruri tlasa mohato wa ho qala wa leloko. Bakeng sa morero wa bodulo ba saruri, ditho tsa lelapa tse ka tlasa mohato wa ho qala wa leloko di hlaloswa bana ba tlhaho kapa ba adopthilweng semolao kapa batswadi ba adopthileng le batswadi bao e seng ba tswalo.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa saruri o lokela ho romela tiisetso e mabapi le ditjhelete, boikarabelo ba bongaka le ba motho ka boyena bakeng sa mokopi. Le ha ho le jwalo, moo wa leloko e leng motswadi kapa ngwana ya leng ka tlase ho dilemo tse 21, ha ho na tiisetso e hlokehang.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitownbusiness.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho motho ya tswang naheng e ka ntle ya batlang ho qala kgwebo mona Afrika Borwa; kapa ya seng a ntse a na le phekiti ya kgwebo bakeng sa ho tsamaisa kgwebo ka hara naha; kapa ya batlang ho beeletsa kgwebong e seng e ntse e le teng ka hara naha.
Dikopo di ka romelwa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae provinseng eo o batlang ho tsamaisa kgwebo ho yona. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Chartered accountant e sebetsang lebitsong la hao e lokela ho romela disetifikeiti tsa hore kabelo ya tjhelete e beuweng ho book value ya kgwebo e beeleditswe. Kabelo ya ditjhelete e beuweng e lekana le R2,5 miliyone mme e ka qhellwa thoko feela kapa ya fokotswa haebe hoo ho bonwa ho le molemong wa setjhaba kapa ha ho kotjwa hore ho etswe jwalo ke Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Hang ho ba ho fihlelwe boemo ba bodulo ba saruri, o lokela ho ntjhafatsa setifikeiti se tswang ho chartered accountant dilemong tse pedi ka mora mohla oo ho fanweng ka phemiti ya bodulo ba saruri, le dilemong tse tharo hape ha morao. Ho hloleha ho tsamaisana le pehelo ena ho tla ba le sephetho sa ho fediswa ha phemiti ya bodulo ba saruri.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitretiredpersons.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho batho ba tswang dinaheng tsa ka ntle ba batlang ho ya pensheneng mona Afrika Borwa. Ha ho na moedi wa boholo ba dilemo o beuweng. Dikopo di ka etswa ofising ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
O lokela ho hlahisa bopaki Lefapheng la Ditaba tsa Lehae hore o na le tokelo ya ya penshene, irrevocable annuity, kapa retirement account, e tla ho neha bonyane ba palo e beuweng ya R20 000 ka kgwedi.
Ho seng jwalo, o lokela ho hlahisa bopaki ho Lefapha la Ditaba tsa Lehae ba hore o na le motswako wa matlotlo o fihlelang kuno ya kgwedi le kgwedi ya R20 000.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforapermitworker.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho motho ya tswang naheng ya ka ntle ya batlang ho etsa kopo ya bodulo ba saruri hobane a fumane mosebetsi wa dinako tsohle mona Afrika Borwa. Kopo e lokela ho wela tlasa meedi ya selemo le selemo e behwang nako le nako.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae provinseng eo o batlang ho ya sebetsa ho yona kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29E.
hore ho ne ho se na moahi wa Afrika Borwa ya neng a tshwaneleha bakeng sa ho tlatsa sekgeo seo.
Department of Labour le lokela ho tiisetsa hore dipehelo le maemo a mosebetsi oo ho fanwang ka ona ha a ka tlase ho ao a leng teng mmarakeng bakeng sa baahi le badudi ba naha. Ka ho etsa jwalo, Lefapha la Mesebetsi le lokela ho ela hloko ditumellano tse fihletsweng tsa ditherisano tse kopanetsweng mmoho le maemo a mang a amohelehileng.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforaretiredpersonpermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya motho ya seng a le pensheneng e fuwa motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle ya batlang ho tla ba pensheneng mona Afrika Borwa.
Hlahisa bopaki ba bonyane kuno e etsang R25 000 ka kgwedi e tswang letloleng la penshene kapa ho irrevocable retirement annuity kapa palong yohle e seng ka tlase ho R15 miliyone.
Ha o ka rata ho sebetsa, o lokela ho romela bopaki ba hore moahi kapa modudi wa Afrika Borwa ha a yo bakeng sa ho naka mosebetsi oo.
Hlahisa konteraka ya mosebetsi ya mokgatlo oo o tla o sebeletsa mmoho le dintlha tsohle tse hlokehang tse mabapi le mokgatlo.
Romela setifikeiti sa moeto wa feberu e tshehla haebe o tsamaile kapa o imemiseditse ho tsamaya tikolohong e nang le sewa sa feberu e tshehla. Setifikeiti se ke ke sa hlokeha haebe o tsamaile kapa o ikemiseditse ho tsamaya o feta feela tikolohong eo kapa ha kopo e entswe mona Afrika Borwa.
Lefa depositi. Depositi eo e tla kgutlisetswa motho ya e lefileng ka mora ho tsamaya la ho qetela kapa ka mora ho ba a fuwe phemiti. Tefello ya depositi e ka etswa ka mokgwa a tjheke e tiiseditsweng ke banka kapa credit card dibakeng tse nang le difasilithi tseo.
Hlahisa clearance certificate ya mapolesa, mmoho le diraporoto tsa bongaka le tsa radiology. Ha ho hlokehe hore bana ba leng ka tlase ho dilemo tse 12 mmoho le baimana ba be le raporoto ya radiology.
Tshebeletso ena e nka boholo ba nako e etsang matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforastudentexchangepermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya lenaneo la phapanyetsano ka baithuti ke phemiti e nehwang moithuti wa naha ya ka ntle hore a be le seabo projekeng kapa lenaneong setheong sa thuto e phahameng mona Afrika Borwa.
Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa.
tiisetsang hore setheo se tla nka boikarabelo bo felletseng ba moithuti ka nako eo a leng Rephaboliking le hore moithuti o amohetswe hore a ka ingodisa.
tiisetsang mohla oo lenaneo le tla qala ka ona mona Afrika Borwa.
Dikopo di ka nka matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Applicationforasubsidyofachildrenshome.2010-03-25.st.txt</fn>
Lehae la bana ke sebaka se ngodisitsweng sa tlhokomelo ya bana. Mahae a bana a ka batla tshehetso ya kgwedi le kgwedi ho mmuso ho tadimana le ditshenyehelo tsa tsamaiso ya mahae a bona. Tshehetso e ntshuwang e a fetafetana mme e thehilwe hodima ditshenyehelo tsa tsamaiso ya lehae le palo ya bana ba nehilweng bodulo.
Ke mang ya ka etsang kopo ya tshehetso?
Mahae a ngodisitsweng a bana.
Romela foromo mmoho le setifikeiti sa ngodiso sa NPO le ditatemente tsa banka ho Lefapha.
Tshehetso e a fumaneha ho setsi bakeng sa lelapa le leng le le leng le fumanang thuso ya ntlo e tswang ho setsi.
Tshehetso e lefshwa ho setsi mme e seng ho ba fumanang thuso.
Tshebetso ya kopo e tla nka nako e fetang dikgwedi tse tharo hore e hlophiswe.
Ha Lefapha le kgotsofetse ke kopo, ho tla nehelanwa ka letlole.
Qeto e thehilwe hodima ho fumaneha ha dithuso le tlhokahalo ya tshebeletso.
Lefapha le nehelana ka ditshehetso tlasa motheo wa dikgwedi tse tharo ka ho itshetleha ho tekolo hape ya mesebetsi ya lehae.
Tshebeletso ke ya mahala.
Foromo e a fumaneha Diofising tsa hao tse haufi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.
<fn>GOV-ZA. Applicationforasylum.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ya tshireletso ke kopo e etswang ke mokopi hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi.
Motho ya batlang tshireletso ke motho ya balehileng naheng ya habo ka tshabo ya ho qoswa , mme a batla hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi - nqeng ena mona Afrika Borwa. Mokopi o dula a ntse a le motho ya kopang tshireletso ya sepolotiki ha ho ntse ho elwa hloko kopo ya hae.
Motho ya batlang tshireletso o nehwa asylum transit permit e ke keng ya ntjhafatswa makenong a Afrika Borwa . Phemiti e sebetsa bakeng sa matsatsi a 14mme e dumella monga yona hore a itlhahise ofising e haufi ya baphaphathei e leng Refugee Reception Office hore a ilo etsa kopo ya tshireletso.
Mophaphathehi ke motho ya fuweng boemo ba tshireletso ka ho ya ka Molao wa Baphaphathehi, wa 1998.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Department of Home Affairs.
Puisano ya pele e tsamaiswa ke Mohlanka wa Kamohelo ya Baphaphathehi e leng Refugee Reception Officer e be ho tlatswa foromo ya BI-1590.
Phemiti ya motho ya batlang tshireletso e ya hatiswa, e saenwe, e kengwe setempe e be e fuwa motho ya batlang tshireletso.
Phemiti e sebetsang bakeng sa matsatsi a 30, e tla dumella motho ya batlang tshireletso ho dula mona Afrika Borwa nakwana. Phemiti e ka atoloswa hape bakeng sa matsatsi a mang a 30 e be ka mora moo dikgwedi tse tharo.
Pele ho nako ya ho fela ha phemiti ya hae ya tshireeso, motho ya kopang tshireletso o lokela ho itlhahisa ho RRO bakeng sa puisano ya bobedi, e tla tsamaiswa ke Moofisiri ya Hlwayang Boemo ba Baphaphathehi e leng Refugee Status Determination Officer.
RSDO o tswela pele ka hlahlobo ya kopo mme a etse qeto mabapi le kpo ya tshireletso.
Ha a ka fuwa tshireetso, mophaphathehi o lokela ho etsa kopo ya smart card ID ya baphaphathehi ho RRO ofe kapa ofe matsatsing a 15.
Ka mora ho fuwa karata, mophaphathehi a ka etsa kopo ya tokomane ya ho eta e tsejwang ka United Nations Convention Travel Document ho RRO ofe kapa ofe.
Boemo ba bophaphathehi bo nka dilemo tse pedi, empa mophaphathehi o lokela ho ngola lengolo a kope tekolo botjha kapa katoloso ya nako ya boemo ba bophaphathehi dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho fela ha boemo boo ba bophaphathehi.
Dikopo di ka nka dikgwedi tse tsheletseng.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforasylumseekerspermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ya tshireletso ke kopo e etswang ke mokopi hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi.
Motho ya batlang tshireletso ke motho ya balehileng naheng ya habo ka tshabo ya ho qoswa , mme a batla hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi - nqeng ena mona Afrika Borwa. Mokopi o dula a ntse a le motho ya kopang tshireletso ya sepolotiki ha ho ntse ho elwa hloko kopo ya hae.
Motho ya batlang tshireletso o nehwa asylum transit permit e ke keng ya ntjhafatswa makenong a Afrika Borwa . Phemiti e sebetsa bakeng sa matsatsi a 14mme e dumella monga yona hore a itlhahise ofising e haufi ya baphaphathei e leng Refugee Reception Office hore a ilo etsa kopo ya tshireletso.
Mophaphathehi ke motho ya fuweng boemo ba tshireletso ka ho ya ka Molao wa Baphaphathehi, wa 1998.
ho lekolwa mokopi pele ho nkuwa dikgatiso tsa menwana ya mokopi ho fumanwa toloko.
Puisano ya pele e tsamaiswa ke Mohlanka wa Kamohelo ya Baphaphathehi e leng Refugee Reception Officer e be ho tlatswa foromo ya BI-1590.
Phemiti ya motho ya batlang tshireletso e ya hatiswa, e saenwe, e kengwe setempe e be e fuwa motho ya batlang tshireletso.
Phemiti e sebetsang bakeng sa matsatsi a 30, e tla dumella motho ya batlang tshireletso ho dula mona Afrika Borwa nakwana. Phemiti e ka atoloswa hape bakeng sa matsatsi a mang a 30 e be ka mora moo dikgwedi tse tharo.
Pele ho nako ya ho fela ha phemiti ya hae ya tshireeso, motho ya kopang tshireletso o lokela ho itlhahisa ho RRO bakeng sa puisano ya bobedi, e tla tsamaiswa ke Moofisiri ya Hlwayang Boemo ba Baphaphathehi e leng Refugee Status Determination Officer.
RSDO o tswela pele ka hlahlobo ya kopo mme a etse qeto mabapi le kpo ya tshireletso.
Ha a ka fuwa tshireetso, mophaphathehi o lokela ho etsa kopo ya smart card ID ya baphaphathehi ho RRO ofe kapa ofe matsatsing a 15.
Boemo ba bophaphathehi bo nka dilemo tse pedi, empa mophaphathehi o lokela ho ngola lengolo a kope tekolo botjha kapa katoloso ya nako ya boemo ba bophaphathehi dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho fela ha boemo boo ba bophaphathehi.
Dikopo di ka nka dikgwedi tse tsheletseng.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforatemporarypassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Phasepoto ya nakwana ho fanwa ka yona ho batho ba Afrika Borwa ba lokelang ho eta ka potlako tlasa maemo a tshohanyetso mme ba sa kgone ho emela phasepoto e tlwaelehileng. Phasepoto ya nakwana e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse 12. HA o etsa kopo ya phasepoto ya nakwana, o lokela le ho etsa kopo ya phasepoto ya saruri ka nako e le nngwe.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae mona Afrika Borwa.
lengolo le hlalosang hore ke ka baka lang o hlokang phasepoto tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo dinepe tse nne tsa bohlo bo sebediswang phasepotong afidaviti haebe phasepoto ya hao ya Afrika Borwa e lahlehile kapa e utswitswe.
Dikopo di ka nka matsatsi a ho sebetsa a 5 ho isa ho a 10.
<fn>GOV-ZA. Applicationforatouristpassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Phasepoto ya bohahlaudi ke tokomane e hlokehang ha o eta ho ya naheng e nngwe kapa bakeng sa ho boela o kena hape ka hara naha ya Afrika Borwa. Phasepoto ya bohahlaudi e fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo. E sebetsa ho etela dinaheng tsohle ntle le haebe ho boletswe ka tsela e nngwe e sele. Yona e nka dilemo tse 10 ho tloha nakong eo ho fanweng ka yona.
O lokela ho ba le tokomane ya boitsebiso e nang le metsero kapa setifikeiti sa tswalo hore o etse kopo. Dikopo tsa phasepoto ya bohahlaudi mmoho le tokomane ya boitsebiso di ka etswa ka nako e le nngwe ha o sa kgone ho leta.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 mme o ise ka bowena ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. O ka e isa embasing kapa misheneng ha o etsa kopo o le mose.
Kgatiso tsa menwana ya hao di tla nkuwa hore di rejistarwe Rejistareng ya Baahi.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo ba dinepe tsa phasepoto.
Phasepoto ho ka fanwa ka yona dibekeng tse 6.
<fn>GOV-ZA. Applicationforavisa.2010-03-25.st.txt</fn>
Visa ke setlankana se kgomaretswang phasepotong e sebetsang ya motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle, e nehang motho eo tumello ya ho kena mona Afrika Borwa.
kotjwa embasing kapa misheneng o haufi wa Afrika Borwa ha naha ya Afrika Borwa e se na boemedi naheng ya lona. Hona ho sebetsa hape le batho ba tshwereng diphasepoto tsa bodiplomate le tsa semmuso ba hlokang diphemiti tsa bodiplomate.
ho ka hlokeha depositi.
Tshebeletso ena e ka nka matsatsi a 10.
<fn>GOV-ZA. Applicationforchangeofgender.2010-03-25.st.txt</fn>
Baahi ba Afrika Borwa kapa badudi ba yona ba saruri ba neng ba le tshebetsong ya ho fetolwa ha bong pele Molao wa Ngodiso ya Tswalo le ho Hlopkahala, wa 1992, o kena tshebetsong, ba ka etsa kopo ya ho fetola bong ba bona.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-526 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Tabeng ya motho eo ditho tsa hae tsa bong di fetotsweng ka mokgwa wa oporeishene kapa kalafo ya bongaka, romela diraporoto tse bolelang mofuta le diphetho tsa mokgwa ofe kapa ofe wa tshebetso o entsweng kalafong efe kapa efe e sebedisitsweng kapa e lokisitsweng ke dingaka tse ileng tsa phetha mokgwa ona wa tshebetso kapa tsa sebedisa kalafo.
Tabeng e nngwe le e nngwe, fana ka raporoto e bolelang boemo ba ha jwale ba bong ba mokopi hore e tsamaye le kopo. Raporoto e lokelwa ho lokiswa ke ngaka e ileng ya hlahloba mokopi mmeleng ka bongaka bakeng sa ho bona tjhebahalo ya hae ya bong.
Hlahisa raporoto ya ngaka ya mahloko a dikelello e leng psychiatrist e ileng ya neha mokopi dikeletso, e fanang ka dintlha tse felletseng tsa taba ena, haholoholo nalane ya yona le boitshetleho ba motho eo ba kelello mabapi le phetolo ya bong.
Ha mokopi a le dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo, ho lokelwa hore ho etswe kopo bakeng sa tokomane e ntjha ya boitsebiso.
Dikgatiso tsa menwana di lokelwa ho nkuwa bakeng sa ho ya tiisetsa le ho ntjhafatsa databeise ya HANIS.
Tshebeletso ena e ka nka dibeke tse 8.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforcitizenbydescent.2010-03-25.st.txt</fn>
Moahi wa naha ya Afrika Borwa ka ho ya ka descent ke motho ofe kapa ofe ya tswetsweng ka ntle ho Afrika Borwa mme a tswalwa ke batswadi bao e mong wa bona e leng moahi wa Afrika Borwa. Tswalo ya ngwana e lokelwa ho ngodiswa ka ho ya ka Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Ho Hlokahala, wa 1992.
Motswadi eo e leng motho wa Afrika Borwa o lokela ho tlatsa foromo ya BI-529.
Moo e leng adopshene teng, romela taelo ya ho adoptha.
Romela khopi ya setifikeiti sa tswalo sa ka ntle ho naha.
Romela dikhopi tsa disetifikeiti tsa mokopi le tsa batswadi tsa lenyalo.
Haebe mokopi o tswetswe ka ntle ho lenyalo, batswadi ka bobedi ba lokela ho saena foromo ya ngodiso ya tswalo ya BI-24.
Romela bopaki haebe motswadi eo e leng motho wa Afrika Borwa a nkile boahi ba naha e nngwe ya ka ntle.
Romela bopaki ba tswalo ba motswadi eo e leng motho wa Afrika Borwa.
Dikopo di lokela ho nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.
Tshebeletso ke mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. ApplicationfordeterminationofSAcitizenship.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena ke ya ho bona hore na mokopi ehlile ke moahi wa Afrika Borwa ka nnete na pele a ka fuwa Tokomane ya Boitsebiso. E sebetsa ho batho bao ba neng ba le baahi ba Afrika Borwa pele ba tloha naheng mme jwale ba se ba ikemiseditse ho ba baahi ba Afrika Borwa hape. Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-529.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1664 bakeng sa ho qoba ho lahlehelwa ke boahi ba hao ba Afrika Borwa.
Dintlha tsa mokopi ka seqo di lekolwa Rejistareng ya Naha ya Baahi.
Dikopo di ka nka dibeke tse 8 ho isa ho tse 12.
<fn>GOV-ZA. Applicationfordocumentfortravelpurposes.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokomane ya morero wa ho eta e nehwa bakopi ba nang le boemo ba bodudi ba saruri empa ha ba kgone ho fumana phasepoto ho tswa naheng ya bona moo ba tswaletsweng teng, kapa ke batho ba hlokang naha kapa baphaphathehi.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo Embasing kapa Misheneng ha o o le mose.
Hlahisa bopaki ba bodudi ba saruri ha o etsa kopo.
Etsa hore ho nkwe dikgatiso tsa hao tsa menwana hore o ngodiswe Rejistareng ya Baahi.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.
Tshebeletso ena e ka nka dibeke 6.
<fn>GOV-ZA. Applicationfordualnationality.2010-03-25.st.txt</fn>
Moahi wa naha ya Afrika Borwa ya batlang ho fumana boahi ba naha e nngwe o lokela ho etsa kopo Lefapheng la Ditaba tsa Lehae hore a boloke boahi ba hae ba naha ya Afrika Borwa pele a nka boahi ba naha eo e nngwe. Dual nationality kapa citizenship e bolela hore motho eo o nkuwa e le moahi wa dinaha tseo tse pedi.
Boahi ba dinaha tse pedi bo nehwa motho ya dilemo tse ka hodimo ho 21.
Etsa kopo embasing kapa misheneng ha o o le mose.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-1664 le BI-529 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae.
Hlahisa tokomane e sebetsang ya boitsebiso.
Ho ka nka dibeke tse tsheletseng ho isa ho tse robedi.
<fn>GOV-ZA. Applicationforexemptionfromlossofcitizenship.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokollo ena e etsa hore baahi ba naha ya Afrika borwa ba be baahi ba dinaha tse ding ntle le ho lahlehelwa ke boahi ba bona ba naha ya Afrika Borwa. Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Hlahisa khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso ya Afrika Borwa kapa phasepoto.
Hlahisa khopi e tiiseditsweng ya setifikeiti sa tswalo sa Afrika Borwa le afidaviti eo ho entsweng kano ya yona e bolelang hore ha ho na boahi bo bong hape bo fumanweng. Dikhopi tsohle tsa ditokomane le afidaviti eo ho entsweng kano ya yona di lokelwa ho tiisetswa ke feela ke Notary Public kapa Mokhomishenara wa Kano.
Baahi ba naha ya Afrika Borwa ba lahlehetsweng ke boahi ba bona ba naha ya Afrika Borwa ka mora ho fumana boahi ba naha tse ding ha ba ne ba se ba se batho ba leng dilemong tse ka tlase ho tse mashome a mabedi a motho o mong mme le ka ntle ha ho etsa kopo ya ho boloka boahi ba bona pele ba ba baahi ba dinaha tse ding ba ka etsa kopo ya ho lokollwa.
Ba romele dikhopi tse tiiseditsweng tsa setifikeiti tsa bona tsa boahi ba naheng tsa ka ntle.
Ba romele khopi tse tiiseditsweng tsa Tokomane tsa Boitsebiso tsa Afrika Borwa kapa phasepoto kapa setifikeiti sa tswalo sa Afrika Borwa.
Dikhopi tsohle tsa ditokomane di lokelwa ho tiisetswa feela ke Notary Public kapa Mokhomishenara wa Kano.
Tshebeletso ena e nka matsatsi a 5 a mosebetsi.
<fn>GOV-ZA. Applicationforexemtionfromincometax.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshwaro e kgethehileng ya lekgetho e nehelwa mekgatlo e sa shebang phaello e thehilweng ka sepheo sa ho ba molemo ho setjhaba ka bophara. Leha ho le jwalo, tshwaro e kgethehileng e tla fumaneha feela ho mekgatlo e latelang dipehelo tsa Non-profit Organisations Act, 1997 , le melao e nyalanang le ona.
Mokgatlo wa batho. Mokgatlo wa boithaopo wa batho o laolwang ke molao wa motheo.
Moo tokomane ya motheo e sa lateleng dipehelo tsa Section 30 of the Non-profit Organisations Act, 1997 kopo e tlameha ho felehetswa ke boitlamo bo ngotsweng bo saennweng ke mokopi. Tesello ya nako e fetileng e tla tswela pele ho sebetsa ho fihlela nako eo mokopi a tsebisitsweng ke South African Revenue Service Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa ka qeto ho ya ka dipehelo tsa molao o motjha.
Mekgatlo eo nakong ya jwale e sa fumanang tesello e molaong ya lekgetho la kuno e ka nehelana ka foromo e tlatsitsweng ya kopo mmoho le ditokomane tse hlokahalang tsa tshehetso, mmoho le boitlamo bo ngotsweng ba saenwa, moo batho ba sebetsang tlasa matla a bolebedi ba traste ba itlamang ho latela dipehelo tsa Section 30 of the Non-profit Organisations Act, 1997.
khampani: Hokela kopi ya Memorandamo le Mabaka a Mokgatlo traste: Hokela kopi ya tumellano e ngotsweng ya traste le ditumellano dife kapa dife tse ngotsweng tse latelang tsa ho lokisa mokgatlo wa batho: Hokela kopi molao wa motheo wa moraorao.
Mekgatlo e thehilweng ka sepheo sa sehlooho sa ho nehelana ka dithuso tsa ho ithuta, dibasari le dikgau tsa boithuto, phuputso le ho ruta, e tlameha ka hodima ditokomane tse ka hodimo tsa tshehetso e tlatse le EI 3 Written Undertaking.
Dikopo tsohle tse amohetsweng ke Tax Exemption Unit tse nang le tlhahisoleseding e tshwanelehileng le ditokomane tse hlokwang tse tshehetsang di tla ntshetswa kananelo ya kamohelo e hlahiswang ke khompiyutha nakong ya dibeke tse nne ho tloha letsatsing la nehelano.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforextension.2010-03-25.st.txt</fn>
Molefi wa lekgetho a ka etsa kopo ya katoloso ya nako ya ho nehelana ka ditlaleho tsa tshebetso ya lekgetho la hae.
Aterese ya molefi wa lekgetho ha e tsejwe ke SARS.
Rekoto ya molefi wa lekgetho ha e sebetse.
Khampani/ Khampani ya ba Mmalwa / Traste e phomotse.
Molefi wa lekgetho o falletse.
Rekoto ya molefi wa lekgetho e tshwauwe jwalo ka leruo, mohlala, ka baka la lefu, ho tjhona, thekiso ya ho lefa melato.
Tlaleho e se fumanwe ya sa selemo se kgethehileng sa lekgetho seo kopo e kentsweng bakeng sa sona.
Tseko ya ho qetela kapa disamane di se di ntshitswe tsa selemo se kgethehileng sa lekgetho.
Ha di-Returns for Income Tax di salletse ntle le ho ditlhophiso tse tshwanelehileng tsa matsatsi a ho romelwa a feletsweng ke nako bakeng sa ditlaleho tse jwalo.
Ditjhelete tsa Lekgetho la Kuno di salletse morao ntle le ho tlhophiso ya ho behella morao.
Tlaleho ya tshebetso ya nako ena/ selemo ha e a ntshuwa.
Molefi wa lekgetho ha a na tlamo bakeng sa selemo sena sa lekgetho.
Kopo ya katoloso e feta boholo ba nako e dumelletsweng sehlopha sa molefi wa lekgetho.
Rekoto ya molefi wa lekgetho e tshebetsong ya ho fetiswa ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng.
Ditlaleho tsa tshebetso /Ditjhelete tsa VAT di salletse morao ntle le ditlhophiso - matsatsi a ho kenngwa ha ditlaleho tse jwalo a feletswe ke nako/ ha ho ditlhophiso tse hlalositsweng bakeng sa ditjhelete tse salletseng.
Nyalanyo ya setatemente sa PAYE/ ditlaleho tsa tshebetso /ditjhelete tse salletseng morao ntle le ditlhophiso - matsatsi a ho kenngwa ha ditatemente/ ditlaleho tse jwalo a feletswe ke nako/ ha ho ditlhophiso tse hlalositsweng bakeng sa ditjhelete tse salletseng.
Kopa katoloso ya kgutliso ya lekgetho la moputso ho ya ka tsela ya web-saete kappa e-meili ya SARS.
Kopa Dikatoloso tse Kgethehileng ka mokgwa wa lengolo ho ofisi ya Lekala la SARS le haufi le wena.
Ha kopo e se e hlophisitswe, o tla tsebiswa ka e-meile, ho sebediswa aterese ya e-meile eo o nehelaneng ka yona. Ha o sa nehelana ka aterese ya e-meile, o ka hokahana le Ofisi ya Lekala la SARS e haufi le wena ka mora letsatsi le le leng la ho sebetsa.
Tshebeletso ke ya mahala.
Ngodisa ka khompyutara.
<fn>GOV-ZA. Applicationforfamilyreunionscheme.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho bao e tla ba badudi ba saruri ba batlang ho etsa kopo ya phemiti ya bodulo ba saruri ka ho ba setho sa lelapa la moahi wa Afrika borwa kapa modudi wa saruri tlasa mohato wa ho qala wa leloko. Bakeng sa morero wa bodulo ba saruri, ditho tsa lelapa tse ka tlasa mohato wa ho qala wa leloko di hlaloswa bana ba tlhaho kapa ba adopthilweng semolao kapa batswadi ba adopthileng le batswadi bao e seng ba tswalo.
Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29.
Moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa saruri o lokela ho romela tiisetso e mabapi le ditjhelete, boikarabelo ba bongaka le ba motho ka boyena bakeng sa mokopi. Le ha ho le jwalo, moo wa leloko e leng motswadi kapa ngwana ya leng ka tlase ho dilemo tse 21, ha ho na tiisetso e hlokehang.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationformaintenanceorder.2010-03-25.st.txt</fn>
Sapoto ke tlameho ya ho nehela motho e mong, ho etsa mohlala, ngwana, ntlo, dijo, diaparo, thuto le kgathallo ya tsa bophelo, kapa mekgwa e hlokahalang ho fumantsha motho ditshwanelo tsa bohlokwa. Mosebetsi ona o molaong o bitswa 'mosebetsi wa ho sapota kapa ho hlokomela'.
Ke mang ya tlamehang ho nehelana ka sapoto?
Mosebetsi wa tlhokomelo o thehilwe hodima tswalano ka madi, ho amohela botswadi semolao, kapa lebaka la hore balekane ba nyalane.
bonkgono le bontataemoholo, ebang batswadi ba ngwana ba ne ba nyalane kapa ba sa nyalana. Leha ho le jwalo, hona ho tla fapana ho ya ka maemo.
Mosebetsi wa ho hlokomela setho sa lelapa ha o a fella sapotong ya ngwana feela.
Ha setho sa lelapa se tsekang tshehetso se sa kgone ho itlhokomela.
Setho sa lelapa seo ho tsekwang sapoto ho sona se a kgona ho emelana le sapoto e tsekwang.
Ke ditshenyehelo dife tse ka tsekwang?
O ka tseka tshehetso e amohelehileng e hlokahalang ho nehela ngwana kapa motho e mong ya nang le tokelo ya tlhokomelo ka bophelo bo tshwanelehileng le kgodiso. Hona ho kenyeletsa ho nehelana ka ditshwanelo tse kang dijo, diaparo le ntlo, mmoho le ho lefella thuto e tshwanelehileng. Lekgotla hape le ka laela ntate ho ba le seabo tefellong ya ditshenyehelo tsa ho pepa le tlhokomelo ho tloha mohla ngwana a tswalwang ho fihlela taelo ya tlhokomelo e nehelwa. Hape lekgotla le ka nehela ka taelo ya tefo ya ditshenyehelo tsa bongaka, kapa le ka laela hore ngwana a ngodiswe morerong wa tlhokomelo ya bongaka wa e mong wa balekane ho ya ditumellano.
Tjhadimo ya hao ya boitshwaro ba motswadi e mong ha e na sephetho hodima tokelo ya bana ba hao ya ho fumana sapoto.
ha e mong wa batho ha mmamorao a ka ba le bana ba bang hape.
Mosebetsi wa hao wa ho lefa sapota le tokelo ya hao ya ho bona bana ke dintho tse pedi tse arohaneng ka botlalo mme e nngwe ha e na kamano le e nngwe. Ho feta moo, bana ba lehlakore ka leng ha ba na tshusumetso ho mosebetsi wa ho tshehetsa. Leha ho le jwalo, boholo ba sapoto bo tla lefshwa bo ka lokiswa ke lekgotla ha le leng la mahlakore le tlisa kopo e jwalo.
Etsa kopo ya sapoto lekgotleng la maseterata wa seterekeng seo o dulang ho sona.
Ha o tsilatsila, lekgotla la lehae la hao le tla o bolella hore o kenye kopo ya sapoto lekgotleng lefe.
E ya lekgotleng le lokelang mme o tlatse Foromo A o nehelane ka yona: Application for a maintenance order.
Bakeng sa ho eketsa foromong e tlatsitsweng, romela bopaki ba tjhelete ya hao e kenang le e tswang ya kgwedi le kgwedi, ka dintho tse kang dirasiti tsa ho reka dijo motlakase le /kapa ditefo tsa ho hira.
Lekgotla le tla beha letsatsi leo wena le moarabi le tlamehang ho ya kgotla ka lona.
Ofisiri ya sapoto le mofuputsi o tla fuputsa tseko ya hao mme a lekole maemo a hao.
Lekgotla le tla romela disamane ho moarabi ho hlaha kgotla ka letsatsi le itseng bakeng sa ho ipuella.
Mme moarabi o na le kgetho pakeng tsa ho dumela ho lefa sapoto jwalo ka ha e tsekwa, kapa ho ngangisana ka taba eo kgotla.
Ha moarabi a dumela ho lefa sapoto jwalo ka ha e tsekwa, maseterata o tla tadima botjha ditokomane tse tshwanelehang. Mme o tla ntsha taelo, mme a ka qeta ka ho etsa jwalo ntle le hore mahlakore a hlahe lekgotleng.
Ha motho ya qoswang ka ho tshwanela ho lefa sapoto a sa batle ho dumela ho ntshuwa ha taelo, o tlameha ho hlaha pela lekgotla, moo bopaki ba mahlakore ka bobedi le dipaki tsa bona bo tla mamelwa.
Ha lekgotla le fumana hore motho o tshwanela ho lefa sapoto, le tla ntsha taelo bakeng sa boholo ba tjhelete ya tlhokomelo e tlamehang ho lefshwa. Lekgotla hape le tla fihlella hore ditjhelete tsa sapoto di tlameha ho lefshwa neng le ka mokgwa ofe.
Ka mokgwa wa taelo e laelang mohiri wa motho ya tlamehang ho lefa sapoto ka ho hula tefello ya tlhokomelo ka ho otloloha moputsong wa mohiruwa, ho ya ka Maintenance Act, 1998.
Le tla tshwarwa ka mokgwa o tshwanang, o nang le botho le seriti.
Ditletlebo di tla sebetswa ka potlako le katleho ka moo ho kgonehang ka teng.
Ha ho na nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena. Tshebetso kaofela, ho tloha ho romeleng ha hao kopo ho ya fihla ho fumaneng ha hao tjhelete ya pele ya tlhokomelo, ho ka nka dibeke tse sehlotshwana, ho itshetlehile tshebedisanong mmoho ya mahlakore ka bobedi.
Dipaki tse tlang ditshebeletsong, ho kenyeletsa le motho ya tsekang tlhokomelo, di na le tokelo ya dithuso tse balletsweng tsa ho phela le leeto. Leha ho le jwalo, lekgotla le tla etsa qeto ka tjhadimo ya lona hore na thuso e jwalo e tla lefshwa ho motho eo taelo ya sapoto e lebiswang ho yena.
Motho ya etsang tseko ya tlhokomelo o tlameha ho etsa kopo ya tefo ya ditefo tsa dipaki ho ofisiri ya sapoto.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationfornaturalisation2.2010-03-25.st.txt</fn>
Mang kapa mang ya nang le phemiti ya bodudi ba saruri ba Afrika Borwa o tshwaneleha ho etsa kopo ya boahi ba naha ya Afrika Borwa ka mokgwa wa ho nehwa boahi ba naha ha o tshwaneleha ka mora nako e beuweng ka mora dilemo tse hlano a le modudi wa saruri.
Motho ofe kapa ofe ya nyetseng kapa ya nyetsweng ke moahi wa Afrika Borwa o a tshwaneleha bakeng sa ho etsa kopo ya ho ba moahi wa naha wa ka mora dilemo tse beuweng mme hona ke dilemo tse pedi ka mora ho fumana phemiti ya hae ya bodudi ba saruri eo a e fuwang ka nako ya lenyalo.
Ngwana ya leng dilemo tse ka tlase ho tse 21 ya nang le phemiti ya bodudi ya saruri o a tshwaneleha ho ba moahi wa ka mokgwa wa naturalisation ka potlako ka mora ho ba a fuwe phemiti.
Tlatsa diforomo tsa BI-63 le BI-757 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Hlahisa phemiti e sebetsang ya bodudi ya saruri kapa lengolo la tokollo ditlamong.
Romela foromo e tlatsitsweng ya kopo ya BI-9 e nang le sete e felletseng ya kgatiso tsa menwana le dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang ho ID hao le dilemo tse ka hodimo ho tse. Hona ke bakeng sa ho fumana tokomane ya boisebiso ka mora ho ba kopo ya boahi ba naha ha o se o tshwanelaha ka mora nako e beuweng e ananelwe.
Motswadi ya ikarabelang a ka etsa kopo lebitsong la ngwana eo ya dilemo tse tlase nakong efe kapa efe, ha feela ngwana eo ya dilemo tse tlase a phela mona Afrika Borwa saruri hape ka molao.
Bakopi bao dikopo tsa bona di ananetsweng, ba tla kotjwa hore ba saene Phatlalatso ya Botshepehi mme ba tla fuwa setifikeiti sa ho ba baahi ba naha ha ba se ba tshwanelaha ka mora nako e beuweng se nang le nomoro ya R.
Ho tla fanwa ka tokomane ya boitsebiso mme e romelwe ho mokopi.
Bakopi bao dikopo tsa bona di hanetsweng ba tla tsebiswa ka mokgwa o tshwanetseng.
Dikopo di ka nka dikgwedi tse ka bang 2 ho isa ho tse 4.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforpermanentresidenceextraordinaryskill.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebediswa ho motho ya nang le bokgoni bo ikgethang kapa mangolo a thuto a ikgethang. Dikopo di ka romelwa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose. Ho fuwa mosebetsi ka hara naha ha se yona ntho e hlokehang.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29. Bakeng sa ho bontsha Lefapha bokgoni bo ikgethang boo o nang le bona kapa mangolo a thuto, o lokela ho romela lengolo le tswang setheong sa mmuso wa ka ntle kapa wa Afrika Borwa, kapa setheong sa thuto sa Afrika Borwa se tsebahalang, mokgeng wa setso kapa wa kgwebo, e leng le tiisetsang bokgoni le mangolo a thuto a ikgethang.
Romela curriculum vitae ya hao mmoho le bopaki ba bokgoni le/kapa mangolo a thuto a ikgethang.
Bakeng sa ho matlafatsa kopo ya hao, o ka romela le mangolo a bopaki ho tswa ho boramesebetsi ba pejana.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforpermanentresidencepermitrefugees.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho motho ya nkuwang e le mophaphathehi mona Afrika Borwa. Dikopo di ka etswa ofising e haufi ya Ditaba tsa Lehae provinseng eo o dulang ho yona. O lokela hore be e le hore o bile le boemo bo tswelang pele ba bophaphathehi bakeng sa nako ya dilemo tse hlano hore o etse kopo.
tlatsa diforomo tsa kopo e leng ya BI-947 le ya BI-29E.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforpermitownbusiness.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho motho ya tswang naheng e ka ntle ya batlang ho qala kgwebo mona Afrika Borwa; kapa ya seng a ntse a na le phekiti ya kgwebo bakeng sa ho tsamaisa kgwebo ka hara naha; kapa ya batlang ho beeletsa kgwebong e seng e ntse e le teng ka hara naha.
Dikopo di ka romelwa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae provinseng eo o batlang ho tsamaisa kgwebo ho yona. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29.
Chartered accountant e sebetsang lebitsong la hao e lokela ho romela disetifikeiti tsa hore kabelo ya tjhelete e beuweng ho book value ya kgwebo e beeleditswe. Kabelo ya ditjhelete e beuweng e lekana le R2,5 miliyone mme e ka qhellwa thoko feela kapa ya fokotswa haebe hoo ho bonwa ho le molemong wa setjhaba kapa ha ho kotjwa hore ho etswe jwalo ke Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Hang ho ba ho fihlelwe boemo ba bodulo ba saruri, o lokela ho ntjhafatsa setifikeiti se tswang ho chartered accountant dilemong tse pedi ka mora mohla oo ho fanweng ka phemiti ya bodulo ba saruri, le dilemong tse tharo hape ha morao. Ho hloleha ho tsamaisana le pehelo ena ho tla ba le sephetho sa ho fediswa ha phemiti ya bodulo ba saruri.
Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforrecognitionofavarietylisting.2010-03-25.st.txt</fn>
Pele sesebediswa sa ho ngatafatsa se ka rekiswa mona Afrika Borwa, sa mokga ofe kapa ofe wa mefuta ya dimela tse phatlaladitsweng ho ya ka Plant Improvement Act, 1976 , mabitso a mekga e jwalo a tlameha ho kenyeletswa lenaneong la mekga.
Lefapha la Temo le boloka mananeo a mekga bakeng sa tsa temo, meroho le dijalo tsa ditholwana. Phatlalatso ya dijalo bakeng sa maikemisetso a Molao mmoho le kenyeletso ya mekga mananeong e etsuwa tlasa kopo. Lebaka la ho fihlella qeto ke ho ba bohlokwa ha mofuta wa semela ho moruo kapa ekonomi ya Afrika Borwa.
foromo ya kopo e tlatsitsweng ka botlalo technical questionnaire tefo e balletsweng ya kopo le tlhahlobo peo kapa disebediswa tsa katiso nehelano ya matla e ngotsweng e tswang ho monga semela, ha o sa se medisa, wa se kgetha kapa wa ntshetsa pele mokga.
Bontsha ka mokgwa o hlakileng ho lethathama la dipotso tsa botegniki hore ke mekga efe e meng e tsejwang Afrika Borwa, eo mokga o motjha o tshwanelang ho bapiswa le yona ho hlomamisa boikgetho.
Ho na le matsatsi a balletsweng ao ditokomane le disebediswa tsa katiso di tlamehang ho romelwa ho Mongodisi ka ona. Dintlha tsa matsatsi ana, bongata ba disebediswa tsa katiso tse tlamehang ho romelwa le moo di tlamehang ho romelwa teng, di a fumaneha ha di kotjwa ho Mongodisi.
Ha tshireletso ho ya ka dipehelo tsa ditokelo tsa momedisi wa dimela le yona e hlokwa, bakopi ba eletswa ho romela dikopo ka nako e le nngwe ho oka nako le tjhelete.
Tshebetso ya ho kenya mokga lenaneong e tla nka bonyane sehla se le seng sa temo.
<fn>GOV-ZA. Applicationforregistrationasamanufacturerunderagoa.2010-03-25.st.txt</fn>
Laolla foromo ya kopo ho inthanethe kapa e fumane ofising e haufi ya SARS.
Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro, ho seng jwalo kopo e ka se elwe hloko.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolong ya Manufacturer for AGOA Particulars , di batla lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao sebaka seo mosebetsi wa hao o emeng ho sona lebitso la seterata le nomoro ya mosebetsi motsana oo mosebetsi o leng ho ona toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona; le khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona.
Karolo ya Authority to Apply e tlameha ho tlatswa ke monga kgwebo ya ikemetseng a le inotshi, molaodi, balekane, setho, molebedi wa traste kapa motho ya okametseng kgwebo ha o etsa kopo ya ngodiso ya lekgetho le lekgetho la thepa ya lehae bakeng sa mofaboriki ya kgethehileng wa AGOA.
Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi mme e seng lebitso la kgwebo le tlameha ho hlahella karolong ena.
ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo letsatsi leo kopo e saennweng ka lona sebaka seo kopo e saennweng ho sona.
qeto kapa tumello kapa bolaodi bo bong ho ya ka moo ho hlokehang tumello ha e hlokahala ya Department of Trade and Industry fomula ha o etsa kopo tlasa pusetso ya karolo 607.04.10, 607.04.10, 607.04.10 le 607.04.
Koporasi ya batho ba mmalwa le traste - ditho tsohle, balekane kapa balebedi ba traste khampani - balaodi bohle, ho kenyeletsa le molaodi ya okametseng le molaodi wa ditjhelete.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. ApplicationforregistrationofGroup2fertilizer.2010-03-25.st.txt</fn>
Menontsha yohle e tliswang ka hara naha, e hlahiswang kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e lokelwa ho ngodiswa le Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947. Mokopi o lokela ho ba motho ka ho ya ka molao, mohlala, John Peter Citizen T/A Diepsloot Stud.
Khampani ya mose e ke ke ya kgona ho etsa kopo ya ngodiso mona Afrika Borwa Ke khampani e ngodisitsweng mona ka hara naha feela, moahi wa naha ya Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa mokga wa semolao o ngodisitsweng mona Afrika Borwa o ka etsang kopo ya ho ngodiswa ha menontsha.
popeho ya phepelo ya dijo tsa polasing ha e fapohe popehong e ngodisitsweng dintlha le mantswe a ananetsweng bakeng sa leibole kapa setshelo a ke ke a fetolwa pele ntle le tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra dipehelo tse beuweng ka nako ya ngodiso di a latelwa ngodiso e amehang e ke ke ya transferwa boholo ba mokotla kapa setshelo bo ke ke ba fetolwa pele ho tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra.
Kopo ya ngodiso ya phepelo ya dijo tsa polasing le menontsha e na le hona ho latelang lengolo le tsamayang le yona le tswang ho motho ya ngodisitseng kapa moemedi ya kgethuweng.
lebitso la sehlahiswa nomoro ya ngodiso haebe sehlahiswa se se se ngodisitswe lebaka la thomelo mangolo a tumello haebe tumello ho tswa ho ya ngodisitseng e hlokeha kapa tumello ya tshebediso ya lebitso la sehlahiswa sa khampani e nngwe leiboleng tefello e nepahetseng ya kopo ditjheke tse rometsweng ka thoko ho kopo di lokelwa ho tsamaya le lengolo le hlalosang sitifikeiti sa hlahlobo kapa data sheet.
Romela foromo ya kopo bakeng sa dikopo tse ntjha le diphetolo ngodisong e ntseng e le teng, ho kenyelletswa le phetolo ya popeho ka bobedi. Tlatsa diforomo ka botlalo, ntle le ho sheba morao dikopong tsa pejana, dinomoro tsa maqephe kapa dihlahiswa tse ding.
Motho ya kgethuweng semolao, ya lokelang ho ba eo Rejistra a tla iteanya le yena khampaning, o lokela ho saena diforomo tsa kopo.
Lebitso le nomoro ya ngodiso ya sehlahiswa di lokelwa ho sebediswa jwalo ka ha ho boletswe setifikeiting sa ngodiso. Phetoho efe kapa efe ya lebitso, le ha ho ka hanyenyane jwang, e tla nkuwa e le phetolo.
Romela diforomo tsa kopo ofising ya tsamaiso. Ho fana ka diforomo tsa kopo ho di-Technical Adviser ho ka diehisa mosebetsi.
o e romele ka bobedi o romela ka puo ya Senyesemane le ya Afrikanse. Ha ho hlokehe hore dileibole di hatiswe ka dipuo tseo tse pedi o lokela ho hlaka; ka mokgwa o nepahetseng o se ke wa kenya dinomoro ditemosong le ditlhokomedisong dintlha tsohle tse leiboleng di lokela ho tsamaelana hantle le tseo tse foromong ya kopo.
Romela kopo ya hao le tefello ho Rejistra ya Molao wa 36 wa 1947.
Ngodiso ya menontsha e ka nka dikgwedi tse ka bang tharo ho isa ho tse nne.
<fn>GOV-ZA. Applicationforregistrationofanexporter.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka moromedi wa setswantle ho South African Revenue Service.
Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolo ya Exporter Particulars , e batla lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao lebitso le nomoro ya seterata sa kgwebo lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona motsana oo mosebetsi o leng ho wona toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona khoutu ya poso ya motsana oo mosebetsi o leng ho wona ya tla ba le boikarabelo ba ho rala le ho romela ditokomane ho South African Revenue Service hore na o tla rala mme o romele ditokomene, kapa o tla thonya akgente ho etsa jwalo ho bolela hore na o tla romela thepa ya ditswantle ho United States of America tlasa tumellano ya AGOA.
Karolo ya Authority to Apply e tlameha ho tlatswa ke motho ya etsang kopo ya ho ngodisa jwalo ka moromedi wa setswantle kapa moromedi wa setswantle bakeng sa AGOA.
Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi, mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.
ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo letsatsi leo kopo e saennweng ka lona sebaka seo kopo e saennweng ho sona.
motho balekane ho koporasi ya batho ba mmalwa le traste - ditho tsohle kapa balekane kapa balebedi ba traste khampani - balaodi kaofela, ho kenyeletsa le Molaodi wa Tsamaiso le Molaodi wa Ditjhelete.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforregistrationofanimporter.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka moamohedi wa setswakantle ho South African Revenue Service.
Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro -ho seng jwalo kopo e ka se elwe hloko.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolo ya Importer Particulars , e batla lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao lebitso le nomoro ya seterata sa kgwebo lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona motsana oo mosebetsi o leng ho ona toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona ya tla ba le boikarabelo ba ho rala le ho romela ditokomane ho South African Revenue Service; le hore na o tla rala mme o romele ditokomene, kapa o tla thonya akgente ho etsa jwalo.
Karolo ya Authority to Apply e tlameha ho tlatswa ke motho ya etsang kopo ya ngodiso jwalo moamohedi wa setswakantle.
Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi, mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.
ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo letsatsi leo kopo e saennweng ka lona sebaka seo kopo e saennweng ho sona.
motho ya ikemetseng balekane ho koporasi ya batho ba mmalwa kapa traste - ditho tsohle, balekane kapa balebedi ba traste khampani - balaodi bohle, ho kenyeletsa le molaodi ya okametseng le molaodi wa ditjhelete.
SARS e kentse di- Service charter a tla nka dilemo tse pedi ho kenngwa tshebetsong . Ha o ngodisa kapa o etsa tefo efe kapa efe, SARS o ikemiseditse ho hlophisa ngodiso ya hao ka mokgwa o nepahetseng nakong ya matsatsi a 21 a ho sebetsa.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationforregistrationofarebate.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa bakeng sa theolelo ho South African Revenue Service. Theolelo ena ke phokoletso ho lekgetho la setswantle le lefellwang ha o amohela diphahlo tsa ditswantle.
Mokopi mme e seng motho wa boraro o tlameha ho tlatsa foromo , ho seng jwalo kopo e ka se ananelwe.
Karolong ya ya Client Types sheba lebokose la ho hlahloba la Rebate , karolong ya ngodiso.
lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao lebitso le nomoro ya seterata sa setoro sa theolelo lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona motsana oo mosebetsi o leng ho wona toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona.
Karolo ya Matla a ho etsa kopo, e tlameha ho tlatswa ke mokopi ha o etsa kopo ya ho ngodisa jwalo ka mosebedisi wa theolelo.
Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.
tlhaloso ya dihlahiswa/dintho tse amohetsweng jwalo ka ditswantle.
ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo letsatsi leo kopo e saennweng ka lona sebaka seo kopo e saennweng ho sona.
Service Charter la SARS le nehelana ka maemo a tshebetso a tla kenngwa tshebetsong ka 2007.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. ApplicationforrenunciationofSAcitizenship.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho ba Afrika Borwa ba batlang ho etsa kop ya boahi ba naha e nngwe e sa dumelleng boahi ba naha tse pedi, ba lokela ho etsa kopo ya ho tlohela boahi ba bona ba Afrika Borwa. Hona ho bolela hore o tla emisa ho ba moahi wa Afrika Borwa hang ho ba kopo ena e ananelwe. Bana ba sa leng ka tlase ho dilemo tse 21 le bona ba ka emisa ho ba baahi ba Afrika Borwa ntle le ha e mong wa batswadi a ka dula a ntse a le moahi wa Afrika Borwa.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-246, BI-529 le BI-9 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Romela ditokomane tsohle tsa boitsebiso tsa Afrika Borwa ofising ya Ditaba tsa Lehae, embasing kapa misheneng.
Hlahisa dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang bakeng sa ID.
Tshebeletso ena e nka dibeke tse 8 ho isa ho tse 12.
Tshebeletso ke ya mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforreplacementoflostorstolenpassport.2010-03-25.st.txt</fn>
Monga phasepoto eo phasepoto ya hae e lahlehileng kapa e utswitsweng a ka etsa kopo ya e ntjha.
hlahisa tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo se felletseng bakeng sa ho etsa kopo tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose fana ka kgatiso ya menwana ya hao hore o ngodiswe Rejistareng ya Baahi fana ka dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.
tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose batswadi kapa bahlokomedi ba semolao ba lokela ho hlahisa khopi ya setifikeiti se felletseng sa tswalo sa ngwana ekasitana le ditokomane tsa bona tsa boitsebiso romela dinepe tse pedi tsa ngwana tsa boholo bo sebediswang phasepotong ha ho na kgatiso tsa menwana tse hlokehang ho tswa baneng ba dilemo tse ka tlase ho tse 16.
Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 6.
<fn>GOV-ZA. ApplicationforresumptionofSAcitizenship.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ofe kapa ofe ya kileng a ba moahi wa Afrika Borwa, ka tswalo kapa ka descent, mme a tlohetse boahi ba hae ba Afrika Borwa, a ka etsa kopo ya hore boahi ba hae ba naha ya Afrika Borwa bo ntjhafatswe hape.
Tlatsa diforomo tsena BI-175 le BI-529 ofising ya Ditaba tsa Lehae.
Tlatsa foromo ya BI-9 mme o fane ka dinepe tse pedi tsa moraorao tsa boholo bo sebediswang ho ID.
Romela tiisetso e ngotsweng fatshe ya hore mokopi jwale o se a dula Afrika Borwa.
Romela khopi ya tokomane ya boitsebiso ya mokopi.
Romela khopi ya setifikeiti sa lenyalo, ha ho tshwaneleha.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationforstateagriculturalland.2010-03-25.st.txt</fn>
Mobu o sa sebedisweng wa Temo wa Mmuso o a hiriswa bakeng sa merero ya temo ka kgetho ya ho o reka kapa ho se o reke, mme hona ho tla ya ka boemo ba mobu . Ditumellano tsa kgiriso ka kgetho ya ho o reka di ntjhafatswa dilemong tse ding le tse ding tse tharo.
Lefapha la naha la Temo le na le maikarabelo a ho thusa tsamaisong e yang hantle ya ho fetiswa ha Mobu wa Temo wa Mmuso o ileng wa fumanwa ka Agricultural Credit Board.
Ha mobu wa temo wa Mmuso o ba teng bakeng sa ho hiriswa, Lefapha la Temo le o bapatsa ka ditsebiso dibakeng tse ka fihlelwang ha bonolo lebatoweng, jwalo ka diofising tsa bomakgistrata, diteisheneng tsa maponesa le dikoranteng.
Etsa kopo ho motho ya boletsweng tsebisong.
Motsamaisi e Moholo: wa Farmer Settlement Lefapheng la Naha la Temo o sebetsana le kgiro ya thepa ya FALA hang ho ba e tjhaelwe monwana ke Letona la Temo le ditaba tsa Mobu.
Rente e behwa ka ho sebedisa fomula e theilweng hodima paloyohle ya boleng ba mobu.
<fn>GOV-ZA. ApplicationforthereissueofanID.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokomane ya boitsebiso ke tokoamne e pakang boitsebiso ba motho. E fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa kapa badudi ba saruri ba dilemo tse 16 le ka hodimo.
Batho ba lahlehetsweng ke ditokomane tsa boitsebiso, ba utweditsweng tsona le ba senyehetsweng ke tsonad.
Batho ba etsang kopo ya hore dintlha tsa bona di fetolwe.
Batho ba boemo ba boahi ba bona ba naha bo fetohileng.
Basadi ba keneng lenyalong kapa ba batla ho qala ho sebedisa difane tsa bona tsa pejana.
Batho ba dulang mose bakeng sa nakwana empa ba ne ba na le ditokomane tsa boitsebis pejana.
Matswa-ntle a nang le pheimiti e sebetsang ya bodulo ba saruri.
Tlatsa foromo ya kopo BI-9 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le ka ntle ho naha.
Hlahisa setifikeiti sa tswalo kapa pasa eo o ileng wa e fuwa peana pele ho la 1 Phupu 1986.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang ho ID.
Etsa hore o nkuwe kgatiso tsa menwana hore di tle di kengwe direkotong Rejistareng ya Baahi.
Hlahisa setifikeiti sa lenyalo ha le nyetse.
Mosadi ya etsang kopo ya tokomane ya boitsebiso mme a batla ho qala ho sebedisa sefane sa hae sa pejana, o lokela ho romela bopaki ba hore o na le tokelo ya hosebedisa sefane seo.
Motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle ha a etsa kopo ya tokomane ya boitsebiso o lokela ho hokela phemiti ya bodulo ya saruri, setifiketi sa ho dumellwa ho dula mona kapa se mo lokollang ditlamong.
Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 8.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationtochangesurnamesofminors.2010-03-25.st.txt</fn>
tswalo ya ngwana ya belehuweng ka ntle ho lenyalo e ngodisitswe tlasa sefane sa ntate wa hae ya mo tswalang.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-193 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Hlahisa tumello e ngotsweng fatshe e tswang ho monna eo ngwana a sebedisang sefane sa hae.
Tumello e ngotsweng fatshe ho tswa batswading ka bobedi e ya hlokeha, ekasitana le mabaka a lekaneng, a ngolwe fatshe, bakeng sa ho tjhentjha.
Tumello e ngotsweng fatshe ya ntate ya mo tswalang e ya hlokeha ntle le ha e qheletswe thoko ke lekgotla la dinyewe.
Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 4 ho isa ho tse 6.
<fn>GOV-ZA. Applicationtogetmarriedundercustomarylaw.2010-03-25.st.txt</fn>
Lenyalo la setso ho ke kenwa ho lona tlasa molao wa setso. Ha monna a nyetse mosadi tlasa civil law mme a etsa qeto ya ho nyala basadi ba bang, basadi bao ba tla nkuwa ba nyetswe tlasa molao wa setso e leng customary law.
Ho tshwanetse hore ho be le ditherisano tsa lenyalo, ho ketekwe mme ho kenwe ho lona ka ho ya ka molao wa setso.
Bakopi ba dulang dibakeng tsa mahaeng ba lokela ho hlahisa lengolo le hlahang moreneng kapa ho moetapele wa setso.
Bakopi ba dulang dibakeng tsa ditoropong ba lokela ho hlahisa afidaviti.
Hore lenyalo le phethahale, ba nyalang ka bobedi mmoho le dipaki ho tswa lelapeng ka leng ba lokela ho ba teng.
<fn>GOV-ZA. Applicationtogivenoticeofdeath.2010-03-25.st.txt</fn>
Setifikeiti sa ho hlokahala ke tokomane ya semmuso e fuwang ba lelapa la mofu ha ho se ho ngodisitswe ho hlokahala ha motho eo. Ha motho ya hlahang ka ntle ho naha a ka hlokahala mona Afrika Borwa, rekoto e ya faelwa e be setifikeiti se feletseng sa ho hlokahala se fuwa ba lelapa. Dikopo di ka etswa ofisng efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-132.
Ngola lengolo le nang le dintlha tsohle tsa mofu mme o le posetse ofising e haufi ya Ditaba tsa Lehae, haebe ha ho na ofisi ya Ditaba tsa Lehae sebakeng sa heno.
Ha ho na lepato le ka tswelang pele ntle le taelo ya lepato. Taelo ya lepato ke setifikeiti se fanang ka tumello ya lepato le ho tloswa ha setopo sebakeng seo motho a hlokahalletseng teng ho ya sebakeng seo lepato le tla ba teng.
Di-funeral undertaker tse dumelletsweng ho fana ka ditaelo tsa lepato.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng: Ho fanwa ka sona ka mora ho ngodisa ho hlokahala ha motho.
Setifikeiti se felletseng: Dikopo di ka nka nako e ka etsang dibeke tse 8 ho isa ho tse 12.
<fn>GOV-ZA. Applicationtohavedetailsofyouraddresschanged.2010-03-25.st.txt</fn>
Baahi ba Afrika Borwa kapa badudi ba saruri ba batlang ho fetola diaterese tsa bona tsa bodulo kapa tsa poso Rejistareng ya Ngodiso ya Baahi ba ka etsa kopo ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Dikopo di ka etswa hape le embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha kopo e etswa mose.
Ngola lengolo, mme o le romele ka fekse kapa ka poso ofising efe kapa efe ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Kapa, o ka tlatsa foromo ya kopo ya BI-4 e be o hokela khopi ya tokomane ya hao ya boitsebiso.
Hlahisa tokomane e sebetsang ya boitsebiso e nang le metsero ya Afrika Borwa kapa setifikeiti sa hao sa tswalo ha o etsa kopo.
Dikopo di ka nka dibeke tse 2.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoincreasecustomsduty.2010-03-25.st.txt</fn>
Lekgetho la ditswantle ke lekgetho leo o le lefang ha o amohela thepa ya ditswantle ho kena Afrika Borwa. Lekgetho la ditswantle le lefiswa ka sepheo sa ho thusa di-indasteri tsa South African Customs Union hore di tsebe ho hlodisana le dihlahiswa tsa ditswantle. Lekgetho la ditswantle le kgothaletsa tswelopele e tsitsitseng ya ekonomi ka ho ntlafatsa bokgoni ba ho emelana le tlhodisano ya matjhaba le ho sebedisa dithuso ka botlalo.
Tlwaelo ka bophara nakong e telele ke ho lebisa ho phokotso ya makgetho a ditswantle, empa ho eketsa makgetho a tlwaelehileng dihlahisweng tse itseng tlasa maemo a kgethehileng. Ho eketsa ho nkuwa e le ntho e ratehang feela ha keketso e jwalo e ka ba le kabelo ho ntshetsopele ya indasteri ho ya ka ho tsamaelana le maikemisetso a ekonomi ya naha.
Tlatsa foromo ya foromo.
Kopo ena e nka dikgwedi tse nne ho ya ho tse leshome le metso e mmedi ho e hlophisa.
Ditefo di itshetlehile ho mofuta wa dihlahiswa kapa diphahlo moo tshebeletso e sebetsang.
<fn>GOV-ZA. ApplicationtorectifyerroneousdetailsinyourID.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho ba Afrika Borwa bao ditokomane tsa bona tsa boitsebiso di nang le dintlha tse phoso ba ka etsa kopo ya ho di lokisa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Dikopo di ka etswa hape le embasing kapa misheneng ya Afrika Borwa ha kopo e etswa ka ntle ho naha.
lebitso le/kapa sefane se fosahetseng dinepe tse fosahetseng aterese e fosahetseng letsatsi le fosahetseng la tswalo bong bo fosahetseng.
Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-9, BI-526 le BI-309 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. O ka etsa kopo le embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Hlahisa bopaki ba dintlha tse nepahetseng, mohlala, setifikeiti sa tswalo, setifikeiti sa kolobetso, lengolo la sekolong kapa setifikeiti sa peleho.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo ba dinepe tsa ID le kopo ya hao.
Tshebeletso ena e ka nka dibeke tse 4 ho ya ho tse 6.
Tshebeletso ke ya mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoregisteracustomarymarriage.2010-03-25.st.txt</fn>
Lenyalo la setso le ka ngodiswa ka ho ya ka Molao wa Kelo Hloko ya Manyalo a Setso, 1998. Ha ho kgathalehe hore o nyetse neng. Nqeng eo mohatsa e mong a hlokahetseng, mohatsa ya ntseng a phela a ka nna a ngodisa lenyalo. Ngodiso e ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Ho tshwanetse hore ho be le dipaki tse pedi tse itekanetseng.
Tiisetsa boemo ba lenyalo la hao online.
Bao ba nyalang ekasitana le dipaki tsa bona ba lokela ho hlahisa ditokomane tsa bona tsa boitsebiso tse sebetsang.
Romela bopaki ba ditherisano tsa lenyalo.
Moofisiri wa ngodiso, o tla tlatsa foromo ya kopo ya BI-1699 ha a kgotsofetse hore ho na le lenyalo la setso.
Nqeng eo molekane wa monna lenyalong la setso a batlang ho kena lenyalong le leng la setso, yena o lokela ho iteanya le Lkegotla le Phahameng la Dinyewe bakeng sa taelo ya semolao e tla laola mokgwatshebetso wa lenyalo la hae.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng sa lenyalo: Ho fanwa ka sona ka potlako.
Setifikeiti se sa kgutsufatswang sa lenyalo: Se nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoregisteranoldagehome.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena ke ya batho kapa mekgatlo e batlang ho ngodisa lehae la maqheku.
Tlatsa foromo ya kopo ofising e haufi le moo o dulang ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Tlatsa foromo ka pela mohlanka wa Lefapha.
Fumana rasiti ha o kenya kopo ya hao mme o e boloke jwalo ka bopaki ba kopo ya hao.
Ha kopo ya hao e sa ananelwa, o tla tsebiswa ka ho ngollwa o bolellwa lebaka le entseng hore e se ke ya atleha.
Ha o sa dumellane le qeto, etsa boipiletso ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa Setho sa Lekgotla la Phethahatso ofising ya naha kapa ya provinse ya Lefapha mme o hlalose hore ke ka baka lang o sa dumellaneng le hoo.
Etsa boipiletso matsatsing a 90 ka mora ho fumana tsebiso e mabapi le sephetho sa kopo ya hao.
Ho ka nka dibeke tse nne ho sebetsa kopo ya hao.
Mosebeletsi wa setjhaba o tla kopa bakgetha-tema ba bang ba jwalo ka bahlanka ba tsa bophelo bo botle le mohlanka wa mmuso wa selehae ho batlisisa ka sebaka seo ho rerwang hore se be lehae la maqheku.
E mong le e mong wa bakgetha-tema o tla ngola pehelo ka ho ya ka seo a se fumaneng.
Dipehelo tsa bona di tla romelwa ofising e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho ya fumana kananelo ya ho qetela.
Ditjeo tsa ngodiso di itshetlehile hodima taba ya hore na ho na le mehlodi ya thuso mme di fapana ka ho ya ka diprovinse.
Tekolo ya lehae le ngodiso ya lona ke mahala.
Diforomo tsa kopo di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoregisterforemployeetax.2010-03-25.st.txt</fn>
Bathodi ba tshwanetse hore ba hule Pay As You Earn kapa lekgetho la mosebetsi ho tswa ho moputso wa mosebetsi yeo a tshwanelehang ka tsela ya dinako tsa kgwedi le kgwedi, veke le veke, kapa hang ka moraho ha veke tse pedi tse ding le tse ding.
Phokotso e hlomamiswa ka ho sebedisa dihlohlomiso tse ntshitsweng ke SARS. Lekgetho la basebetsi le tshwanela ho arolwa pakeng tsa SITE le PAYE.
SITE ke mofuta wa lekgetho o sebetsang feela ho moputso o setseng ka mora phokotso ho ya fihla ho R60 000. SITE e hlomamiswa mafelong a nako ya lekgetho, mme e ka emela karolo feela ya lekgetho la basebetsi le hutsweng hara selemo.
Balanse ya lekgetho la basebetsi ka mora ho hlomamisa karolo ya SITE mmoho le lekgetho la basebetsi hodima moputso le sa kenyeletswang ho moputso ka mora phokotso, e emela PAYE.
Tlatsa kopo ya ngodiso ho e fumanehang diofising tsa lekala la lehae la SARS.
Dikhamphani tse kgolo le dikhamphani tse nnyane tseo ha jwale di sa ngodiswang le SARS mabapi le lekgetho la basebetsi di tshwanetse ho ngodisa ka nako hore di tsebe ho ka lefa lekgetho la basebetsi ba tshwanelehang.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoregisterpremisesasanagriculturalcentr.2010-03-25.st.txt</fn>
ditlhophisetso tse balletsweng di fumaneha setsheng se jwalo ditshebetso tsa botegniki setsheng se jwalo, e leng tlhokomelo ya diphoofolo tse bolokilweng moo, le pokello, tlhahlobo, tlhophiso, ho paka, ho etsa ditlankana le poloko ya thepa ya lefutso, di laolwa le ho okamelwa ke motho ya kgotsofatsang ditlhoko tse balletsweng setsha se kgotsofatsa ditlhoko tse ding tse ka ballwang.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla amohelwa mabapi le tshitiso efe kapa efe e ka bang teng.
dikopi tse pedi tsa moralo wa setsha se amehang le meralo ya mobu ka botlalo tefo e balletsweng ya kopo ka tjheke e lefellwang ho: The Director-General: Agriculture.
Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena, maemong a mang e qala ka kamohelo ya meralo pele meaho e emiswa.
<fn>GOV-ZA. Applicationtoreportanoccupationaldiseasetothecompe.2010-03-25.st.txt</fn>
Ka ho ya ka Molao wa Ditlhapiso bakeng sa Dikotsi le Mafu a hlahang Mosebetsing, 1993, boramesebetsi ba lokela ho tlaleha mafu ohle a bakwang ke mosebetsi Letloleng la Ditlhapiso.
Boramesebetsi ba lokela ho tlatsa Raporoto ya Ramosebetsi ya Lefu le hlahang Mosebetsing matsatsing a 14 ka mora hoba ba utlwe ka lefu.
ENT e tsamaye le Diagnostic Audiogram moo ho tshwanetseng diteko tsa ka moo matshwafo a sebetsang ka teng ha lefu le le matshwafong diraporoto tsa dermatology haebe letlalo le amehile diphetho tsa teko ya madi, diphetho tsa sekgohlola, diraporoto tsa x-ray, jj.
Ho ka nka matsatsi a 60.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. ApplyforImportCertificateforLiquor.2010-03-25.st.txt</fn>
Setefikeiti sa setswantle se a hlokahala hore o kgone o amohela sehlahiswa sa setswantle sa jwala mona Afrika Borwa. Setefikeiti sa setswantle kapa kopi e tla hlokwa pele thoto e lokollwa ledibohong la ho kena.
Moamohedi wa setswantle o etsa kopo ya setefikeiti sa setswantle ha nngwe bophelong ba sehlahiswa. Ka mora moo nomoro eo e le nngwe ya setefikeiti sa setswantle e ka sebediswa ha sebopeho, dikahare, saese ya botlolo le leibole ya sehlahiswa e sa tjhentjha.
paloyohle ya tsona ha e fete mothamo wa dilithara tse 12 mme e reretswe feela bakeng sa tshebediso ya motho eo, lelapa la hae le baeti ba hae ba sa lefeng.
Tlatsa foromo ya kopo.
Kopo ka nngwe e tshwanetse ho felehetswa ke sampole e fupereng bonyane 750 ml ya sehlahiswa se amehang.
Maemong a setswantle se botlolong, nehela ka sampole botlolong e nang le leibole eo e tla rekiswa ka yona.
Romela sampole ya jwala bo amohetsweng e le setswantle se sengata ka botlolo e tlwaelehileng ya 750 ml.
Romela setefikeiti se amohelehileng sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong ya naha eo se tswang ho yona. Ha sena se sa fumanehe, Division Liquor Products e tla etsa tlhophollo ya khemikhale ya sampole.
Maemong a setswantle se botlolong, leibole ya botlolo e hlahlojwa ho etsa bonnete ba hore e kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989.
Bakeng sa setswantle se sengata dikahare di tla hlahlojwa. Leibole e hlahlojwa ho o etsa kopo ya tumello ya setefikeiti sa ho rekisa.
Karolo e tlameha ho fumana tjhelete pele ho ka ntshuwa setefikeiti sa setswantle.
Setefikeiti sa setswantle se tla ntshuwa ha dikahare le leibole, maemong a setswantle se botlolong, mme maemong a setswantle se sengata, ha dikahare tsa sehlahiswa di kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989 . Jwale thoto ya sehlahiswa e ka amohelwa jwalo ka setswantle.
Neha Division Quality Audit tsebiso ya dihora tse 48 bonyane ka nako tsohle thoto ya jwala e ntsheditsweng setefikeiti sa setswantle, e tla kena Afrika Borwa.
Ha dihlahiswa tsa jwala di fihla Afrika Borwa, moamohedi wa setswantle o tlameha ho fumana lengolo la ho fetisa ho Division Quality Audit hore a tlose jwala sebakeng sa lediboho kapa setsheng sa seemelo sa setshelo sa kgetho ya hae.
Ha moamohedi wa setswantle a nehela Division Liquor Products ka setefikeiti se amohelehang sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong naheng eo se tswang ho yona, a ka nehwa tesello mabapi le ho lefa R290.
<fn>GOV-ZA. ApplyforRegistrationofFarmFeedsandPetFood.2010-03-25.st.txt</fn>
Dijo tsohle tsa ho fepa diphoofolo tse rekwang e le ditswantle, tse etsuwang, tse hlahiswang kapa tse rekiswang mona Afrika Borwa di tlameha ho ngodiswa ho Registrar, Act 36 of 1947. Mokopi o tlameha ho ba motho molaong, mohlala, John Peter Citizen T/A Diepsloot Stud.
Khampani ya mose ha e a dumellwa ho etsa kopo ya ho ngodisa mona Afrika Borwa. Ke khampani e ngodisitsweng hae mona feela, moahi wa Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa lekgotla le molaong le ngodisitsweng mona Afrika Borwa le ka etsang kopo ya ho ngodisa mabapi le dijo tsa phepo ya diphoofolo le menontsha.
Dijo tsa phepo ya diphoofolo ha di kenyeletse setroi, ditlhoka, furu e sa silwang, dijo tse putisitsweng, sirile efe kapa efe e dithollo kapa phepo efe kapa efe e lokiswang ke rapolasi bakeng sa tshebediso ya hae.
Lengolo le hlalosang le tswang ho monga ngodiso kapa moemedi ya thontsweng.
lebitso la sehlahiswa nomoro ya ngodiso ha sehlahiswa se se se ngodisitswe lebaka la ho etsa kopo lengolo la tumello ha ho hlokahala tumello ya monga ngodiso tefiso e nepahetseng ya kopo tjheke e romelwang ka ho arohana le kopo e tlameha ho felehetswa ke lengolo le hlalosang. Ditjheke le diotoro tsa poso di lefshwe ho Director-General: Agriculture.
Romela diforomo tsa kopo bakeng sa dikopo tse ntjha le ditokiso tsa ngodiso e teng, ho kenyeletsa le diphetoho sebopehong sa dijo tsa phepo.
Tlatsa ka botlalo, ntle le ho lebisa ho dikopo tsa nako e fetileng, dinomoro tsa maqephe kapa dihlahiswa tse ding.
diforomo tsa kopo di tlameha ho saenwa ke motho ya thontsweng ka molao mme enwa ho ka ba molemo ha e le motho wa khampani ya nang le dikgokahano le Registrar.
lebitso le nomoro ya sehlahiswa di tlameha ho ba jwalo ka ha ho balletswe ho lengolo la bopaki la ngodiso. Phetoho efe kapa efe ya lebitso, leha e ka ba nyane hakae, e tla nkuwa e le tokiso.
Diforomo tsa kopo di tlameha ho nehelwa ofising ya taolo. Ho nehela kopo ho Baeletsi ba Botegniki ho tla diehisa tshebetso.
e romele ka bobedi nehelana ka Senyesemane le Seburu. Ha ho hlokahale hore dileibole di hatiswe ka dipuo tse pedi di tshwanela di hlake mme di balehe; ka sebopeho se nepahetseng o se ke wa nomora ditlhokomediso le ditemoso dintlha tsohle tse leiboleng di tlameha ho tsamaelana ka botlalo le tseo tse foromong ya kopo.
Ho ka nka dikgwedi tse tharo ho ya ho tse nne ho ngodisa dijo tsa phepo ya diphoofo kapa dijo tsa diphoofotswana tsa setswalle.
<fn>GOV-ZA. Applyforastudypermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya ho ithuta ke tokomane e nehang batho ba tswang dinaheng tsa ka ntle tokelo ya ho ithuta institjhusheneng efe kapa efe ya thuto e phahameng mona Afrika Borwa. Ho etsa kopo ka boyena Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa.
Ho tlatsa foromo ya kopo ya BI-159.
clearance certificate ho tswa maponeseng se mabapi le dinaha tsa pejana tseo a neng a dula ho tsona dinakong tse ka hodimo ho selemo.
lengolo la ngaka le pakang hore mokopi o na le bophelo bo botle.
Bakopi ba ke ke ba kena Afrika Borwa pele dikopo tsa bona di ananelwa.
Bakopo bao dikopo tsa bona di ananetsweng, ba nehwa visa ya ho kena ka makgetlo a mangata ka hara naha.
Ba sa leng dilemo tse ka tlase ho tse mashome a mabedi a motso o mong ba lokela ho romela dintlha tsa motho wa Afrika Borwa ya tla ba mohlokomedi wa bona. Dintlha di lokelwa ho romelwa le lengolo la tiisetso, bopaki ba tumello ya moo a batlang ho dula teng e le le tswang batswading ka bobedi, kapa ho tswa ho motswadi ya mong ya leng mohlokomedi mmoho le bopaki ba hore ke mohlokomedi a le mong.
Dibeke tse robedi.
<fn>GOV-ZA. Applyforatreatypermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya tumellano ke tokomane e nehang baditjhaba tumello ya ho kena Afrika Borwa hore ba be le seabo mananeong ao ho dumellanweng ka ona ke naha ya Afrika Borwa le dinaha tsa bona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ya BI - 1738 embasing kapa misheneng o haufi wa Afrika Borwa.
Lengolo ho tswa mokgeng o tshwanetseng wa mmuso o amehang tumellanong e tiisetsang mofuta wa lenaneo. Lengolo le tla tiisetsa tumellano eo tlasa yona lenaneo lena le tla tsamaiswa, ho ba le seabo ha mokopi lenaneong le boletsweng le mefuta ya diketsahalo tseo mokopi a lebelletsweng ho ba le seabo ho tsona tlasa tumellano.
Clearance certificate ya maponesa ho tswa dinaheng tsohle tseo mokopi le mohatsa hae ba kileng ba dula ho tsona ho tloha dilemong tse 18 le bakeng sa bana bohle ba dilemo tse kapa ka hodimo ho moo ba tla tsamaya le mokopi ha a le Afrika Borwa.
Diraporoto tsa bongaka le tsa radiology. Bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 12 le baimana ha ba hloke ho ntsha raporoto ya radiology.
Boitlamo bo ngotsweng fatshe ho tswa ho ramosebetsi, a amohela boikarabelo ba ditjeo tse amanang le ho kgutlisetswa naheng ya ha habo mokopi mmoho le bahlokomelwa ba hae ha ho hlokeha. Ha ramosebetsi e le lefapha la mmuso mme a sa kgone ho romela boitlamo bona bo boletsweng bo ngotsweng fatshe, naha e mo romelang e ka romela boitlamo boo lebitsong la hae.
Ditokomane tse amanang le boemo ba lenyalo, afidaviti ya mohatsa kapa ya bahlokomelwa ba dilemo tse ka tlase ho tse mashome a mabedi a motso o mong haebe mokopi o tla tsamaya le mohatsa kapa bahlokomelwa ba bana.
Setifikeiti sa ho entela feberu e tshehla ha o tsamaya kapa o ikemiseditse ho tsamaya sebakeng seo feberu e tshehla e tletseng ho sona.
Ha ho na nako e beuweng.
<fn>GOV-ZA. Applyforpermanentresidencepermitrefugees.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e sebetsa ho motho ya nkuwang e le mophaphathehi mona Afrika Borwa. Dikopo di ka etswa ofising e haufi ya Ditaba tsa Lehae provinseng eo o dulang ho yona. O lokela hore be e le hore o bile le boemo bo tswelang pele ba bophaphathehi bakeng sa nako ya dilemo tse hlano hore o etse kopo.
Romela afidaviti e mabapi le mabitso ohle ao o a sebedisitseng.
Tlatsa diforomo tsa kopo e leng ya BI-947 le ya BI-29E.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng.
<fn>GOV-ZA. Applyforplantbreedersrights.2010-03-25.st.txt</fn>
Disebediswa tsa katiso ya mofuta oo di so ka di rekiswa mona Afrika Borwa nakong e fetang selemo.
Maemong a mofuta wa sefate kapa sefate sa morara, moo disebediswa tsa katiso di so ka di fumaneha naheng e nngwe, ho tsa kgwebo kapa setjhabeng nakong e fetang dilemo tse tsheletseng, kapa maemong a semela sefe kapa sefe se seng, nakong ya dilemo tse fetang tse nne.
se tlameha ho aroleha ka ho hlakileng ho mofuta ofe kapa ofe o mong wa leloko le tshwanang se tlameha ho tshwana, ke ho re, dimela tsohle temong di tlameha ho shebehala di tshwana mme di be le makgetha a tshwanang se tlameha ho ba le botsitso, ke ho re, dimela mofuteng o itseng di tlameha, ka mora ho lengwa makgetlokgetlo, di nne di shebahale di tshwana le dimela tsa sethatho se tlameha ho ba le lebitso le amohelehileng.
Ha e le hore mofuta wa semela ha o hlahe hlohlomisong, romela kopo bakeng sa phatlalatso mmoho le tshehetso e ngotsweng ho Mongodisi wa Ditokelo tsa Bamedisi ba Dimela.
foromo ya kopo e tlatsitsweng ka botlalo technical questionnaire tefo e balletsweng ya kopo le tlhahlobo peo kapa disebediswa tsa katiso nehelano ya matla e ngotsweng e tswang ho monga semela, ha o sa se medisa, wa se kgetha kapa wa ntshetsa pele mokga.
Bontsha ka mokgwa o hlakileng ho lethathama la dipotso hore mokga o motjha o tshwanela ho bapiswa le mekga efe e meng e tsejwang ho hlomamisa boikgetho.
O ka etsa kopo ya tshireletso ya nakwana ya tumellano ya mokga. Hona ho bolela hore mokga o sireleditswe bakeng sa nako ya tekolo. O tlameha ho nehela ka boitlamo bo ngotsweng ba ho se rekise ntho efe kapa efe ya katiso ya mokgwa o tobilweng ho fihlela diteko kaofela di phethethilwe mme ho nehelanwe ka ditokelo tsa bamedisi. Tshireletso ya tumellano ya nakwana e a kgothaletswa bakeng sa dijalo moo ditekolo di nkang nako e fetang selemo hore di phethwe.
Ho na le matsatsi a balletsweng ao ditokomane le disebediswa tsa katiso di tlamehang ho romelwa ho Mongodisi ka ona. Dintlha tsa matsatsi ana, bongata ba disebediswa tsa katiso tse tlamehang ho romelwa le moo di tlamehang ho romelwa teng, di a fumaneha ha di kotjwa ho Mongodisi.
Ha lenaneo la mokga le le teng bakeng sa mofuta oo ho etsuwang kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela, romela dikopo ka nako e le nngwe ho oka nako le tjhelete.
Tshebetso ya tekolo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela e nka bonyane sehla se le seng sa temo.
<fn>GOV-ZA. Applyfortaxdirectivedirectors.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Lekgetho la Kuno, 1962, o hlophisetsa maemo ao tlasa ona kopo e ka etsuwang bakeng sa taelo e molaong ya lekgetho.
E nngwe ya tsena ke ha moputso o lebelletsweng wa molaodi bakeng sa selemo sena o le ka tlase ho moputso o fumanweng bakeng sa selemo se fetileng mme hona e be ho bakatefello e ka hodimo ya PAYE , e leng ntho e tla baka bothata.
Moo khampani a eso ka a beha moputso bakeng sa tekolo ya selemo se fetileng, e lokela ho kopa ba ofisi ya lekala la sebaka la South African Revenue Service ho beha palo ya moputso oo molaodi a bonang hore o lokela ho o fumana.
Ha o etsa kopo ya taelo e molaong ya lekgetho, etsa bonnete ba hore ditaba tsa hao tsa lekgetho di motjheng-SARS ka tlwaelo e ke ke ya ntsha taelo e molaong ya lekgetho haebe o na le diforomo tsa lekgetho kapa ditefello tse salletseng morao.
Moputso wa ho qetela o fumanweng ho kenyelletswa le dialawense, mohlala, 50% ya alawense ya maeto, empa ho sa kenyelletswe shwahla ya tjhelete le dipoelo tse entsweng ke balaodi kapa basebetsi mabapi le ditokelo tsa ho fihlela thepa eo ho tshwariswang ka yona e ka kgonwang ho rekiswa.
Selemo sa tekolo seo moputso o fumanweng ka sona.
Palo ya dikgwedi tse qetuweng tseo moputso wa ho qetela o tsejwang o fumanweng ka tsona.
Tekanyetso ya moputso kapa palo ya sebele ya ona bakeng sa selemo sa ha jwale.
Kopo e lokela ho ba le mabaka bakeng sa taelo ya molao. Tshehetsa hona ka ditokomane, mohlala, ditatemente tsa ditjhelete tsa nakwana le metsotso ya dikopano tse ileng tsa tshwarwa ke balaodi, tse bontshang hore meputso e lokelwang ho leshwa balaodi e tla ba ka tlase ho moputso ya tekolo ya selemong se fetileng.
Ha ho na nako e beuweng.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applyfortaxdirectivefixedamount.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ya taelo ya semmuso e romelwa ho ba Tshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa ho kopa hore palo e itseng e sa fetoheng ya lekgetho e hulwe kunong kapa kabong ya molefi wa lekgetho.
Etsa bonnete ba hore ditaba tsa hao tsa lekgetho di lokile pele o etsa kopo ya taelo ya semmuso ya lekgetho. Ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa ba ke ke ba ho neha taelo ya semmuso ya lekgetho ha o na le dipoleo tsa lekgetho tse eso ka di kena kapa ho na le ditjhelete tsa lekgetho tseo o ntseng o di kolota.
setatemente se felletseng sa kuno le ditshenyehelo. Ba ofisi ya lekala la SARS ba ka kopa bopaki ba ditshenyehelo tse itseng pele ba ananela kopo ya taelo ya semmuso mokgwa o sebediswang kapa mokgwa wa ho bala sekoloto sa lekgetho.
Hang ho ba e ananelwe ke ba SARS ho tla fanwa ka tiisetso ya hoo matsatsing a mmalwa empa taelo ya semmuso ya lekgetho e ka nka nako ya dibeke tse nne.
Tsela e bonolo haholo ya ho etsa kopo ya taelo ya semmuso ya lekgetho ke ya ho e etsa ka eFiling. Kopo ya hao ya taelo ya semmuso ya lekgetho ha e etswa ka tshebeletso ena ka tlwaelo e ananelwa dihoreng tse 48 ha ofisi e sa hloke bopaki ba ditshenyehelo.
Ho fihlela dibekeng tse nne.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applyfortaxdirectivefixedpercentage.2010-03-25.st.txt</fn>
Taelo ena e kenngwa ha ho etsuwa kopo ya hore tekanyetso e tsitsitseng e hulwe moputsong wa molefi wa lekgetho. Mohiri o tshwanela ho kenya kopo ena lebitsong la mohiruwa.
Ditaelo ha di kgone ho fetisetswa mme ka nako tsohle ha mohiruwa a fetotse boemo ba hae ba mosebetsi, ho tlameha ho etsuwe kopo e ntjha. Ha o na le mohiri ya fetang a le mong, kopo e arohileng ya taelo e tlameha ho etsuwa bakeng sa mohiri ka mong.
Dikopi tsa mangolo a khiro, dikontraka tsa tshebetso le ditokomane tse ding tse tshwanelehileng di a hlokahala ho netefatsa dipallo le dipehelo tsa khiro.
Taelo ya phesente e tsitsitseng e tla ntshuwa bakeng sa makesemamo ya dikgwedi tse 12 mme e tlameha ho ntjhafatswa ka mora moo.
Eba le bonnete ba hore merero ya hao ya lekgetho e eme hantle ha o etsa kopo ya taelo ya lekgetho. Ka tlwaelo SARS e ka se ntshe taelo ya lekgetho ha ho na le dikgaello dife kapa dife tsa diforomo tsa lekgetho tse tlatsitsweng kapa ditefo tsa lekgetho.
nomoro ya hao ya ID le ya tshupiso ya lekgetho nomoro ya mohiri wa hao ya tshupiso ya PAYE.
kopi ya kontraka ya tshebetso lengolo la puello ha nomoro ya hao ya ID kapa nomoro ya tshupiso ya PAYE e sa fumaneheng.
Romela kopo ya hao ya taelo ya phesente e tsitsitseng ka letsoho ofising ya lekala la SARS, jwalo ka ha mohiruwa a tshwanela ho hokela tlaleho ya dintlha tsa kuno le ditshenyehelo.
Hang ha e amohetswe ke SARS, tiiseletso e tla nehelwa nakong ya matsatsi a mmalwa. Leha ho le jwalo, taelo ya lekgetho e molaong e ka nka ho a fihla ho dibeke tse nne.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Applyfortaxdirectivegratitude.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ena e romelwa ho ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa ha ho hlokeha taelo ya semolao ya ho hulwa ha lekgetho mabapi le ditefello tse ding tsa shwahla ya tjhelete ho tswa ho boramesebetsi.
Etsa bonnete ba hore ditaba tsa hao tsa lekgetho di lokile pele o etsa kopo ya taelo ya lekgetho. Ka tlwaelo ba SARS ba ke ke ba fana ka taelo ya semolao ya lekgetho haebe o sa na le dipoelo tse ding tsa lekgetho kapa ditefello tse salletseng morao.
tokomane ya hao ya Boitsebiso le nomoro ya referense ya lekgetho nomoro ya referense ya PAYE ya ramosebetsi wa hao.
Hang ho ba e tjhaelwe monwang ke ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa, ho tla fanwa ka tiisetso matsatsing a mmalwa empa taelo ya semmuso ya lekgetho e ka nka ho fihlela dibekeng tse nne.
Tsela e bonolo haholo ya ho kopa taelo ya semolao ya lekgetho ke ya ho etsa kopo ka eFiling. Kopo ya hao ka tshebeletso ena ka tlwaelo e ananelwa dihoreng tse 48.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Applytoimportgoodsintothecountry.2010-03-25.st.txt</fn>
Ka ho ya ka Molao wa Matjhaba wa Taolo ya Kgwebo, Molao wa 71 wa 2002, Letona la Kgwebo le Indasteri, ha le bona ho hlokeha kapa ho tshwanetse bakeng sa kgahleho ya setjhaba, le ka tsebisa Koranteng ya Mmuso, mme la laela hore ha ho na thepa e nngwe ntle ya sehlopha se itseng kapa ya mofuta o itseng e ka tliswang ka hara naha ya Afrika Borwa; kapa e ka tliswang ka Afrika Borwa ntle le ha e le tlasa bolaodi bo itseng mme e latela maemo a beuweng phemiting eo ho fanweng ka yona ke yena kapa motho ya dumelletsweng ke yena ho etsa jwalo.
Dikopo tsa diphemiti tsa ditswantle tsa ho tlisa thepa, tse lokelwang ho laolwa ka mehato ya taolo ya ditswantle, di lokelwa ho etswa foromong e beuweng.
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho etsa bonnete ba hore thepa ya ditswantle e seng ntjha ha e senye indasteri ya Southern African Customs Union . Ho fana ka phemiti hape ho ntshetsa pele taolo ya bophelo bo botle tikolohong le mabaka a tshireletso, mme ho tsamaelana le maemo a polokeho le boleng, ekasitana le taolo bakeng sa ho tsamaelana le mabaka a tikoloho.
Ho lokelwa hore ho tlatswe mme ho romelwe diforomo tsa kopo.
Isa diforomo Bolaoding: Ba Taolo ya Ditswantle le Diyantle, ITAC.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. ApplytoundertakeCommercialFishing.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho tshwasa dihlapi bakeng sa ho rekisa ke tokelo ya ho tshwasa dihlapi. O lokela ho etsa kopo mme o dumellwe bakeng sa tokelo ena, ho tshwasa dihlapi bakeng ho ameha ketsahalong ya botshwasi e reretsweng kgwebo. Sena se kenyeletsa ho tshwasa le moo o sa tshwasetseng ho ja. Bakeng sa ho fumana tokelo ya hao ya ho tshwasa, o lokela ho etsa kopo ya ho tshwasa dihlapi bakeng sa kgwebo e ntshwang ke Letona la ditaba tsa Tikoloho le bohahlaudi kapa mokgatlo o filweng matla. Ditokelo tse feletseng le tse lekanyeditsweng tsa ho tshwasa dihlapi bakeng sa kgwebo di dumellwa ke lefapha la Department of Environmental Affairs and Tourism dibakeng tse kgethilweng, ho latela palo e behilweng ya ho tshwasa e lekanngwang selemo le selemo ke Letona la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi. Ha ho motho ya dumeletsweng ho tshwasa dihhlapi ntle le tumello.
Qala pele ka ho etsa kopo ya tumello ya ho tshwasa bakeng sa kgwebo pele o ka etsa kopo bakeng sa phemiti ya ho tshwasa dihlapi bakeng sa kgwebo. Phemiti e ntjhafatswa selemo le selemo, ebang o hloleha ho phethahatsa ditlhoko tsa phemiti, ho ka etsahala hore e emiswe, e fediswe kappa e thibelwe.
Ntle le phemiti ya ho tshwasa dihlapi, o tla lokela hoba le tumello ya teransepoto ya ho tsamaisa dihlapi.
Etsa kopo ya ho tshwasa dihlapi hang kamora hoba o mengwe ka memo e tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Fumana foromo ya kopo lefapheng la ditaba tsa Tikoloho le bohahlaudi kapa sebakeng sa polokelo se hlwailweng ke DEA&T.
Ka hloko bala, mme o netefatse hore o utlwisisa ditlhoko le dipehelo tse hlokwang bakeng sa kopo.
Tlatsa, o saene mme o nehelane ka foromo le ditokomane tsohle tse netefaditsweng tse tshehetsang, mmoho le tjhelete ya ngodiso e sa kgutlisweng sebakeng se hlwailweng ke lefapha kapa ofisi ya DEA&T haufi le wena.
Motjha wa tekolo ya dikopo o tla qala hang kamora hoba letsatsi la ho kwalwa ha dikopo le phatlalatswe mme sephetho se tla phatlalatswa ka lengolo ke lefapha la DEA&T.
Kopo e ka nka kgwedi ho isa ho tse tharo le ho feta, ho latela palo ya dikopo tse entsweng bakeng sa ho tshwasa dihlapi.
Kopo e ka nka matsatsi a supileng a tshebetso kappa ho feta ho latela palo ya dikopo tse entsweng bakeng sa ho tshwasa dihlapi.
<fn>GOV-ZA. Apppermitoimportfishcommercialbasis.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho tlisa tlhapi ho tswa dinaheng tsa ka ntle bakeng sa kgwebo ho bolela hoba le diketsahalo tse jwalo ka tsa ho tlisa tlhapi ya lewatle ho tla e rekisa. Bakeng ho tlisa tlhapi ya lewatle ho tswa dinaheng tsa ka ntle, o lokela ho etsa kopo ya phemiti ya ho reka ka ntle eo o tla e fuwa ke Letona la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa bolaodi bo beilweng. Ha ho na motho ya tla reka tlhapi ya lewatle dinaheng tsa ka ntle ntle le ho ba le phemiti. O tshwanetse ho etsa kopo ya phemiti e ntjha ya ho reka ka ntle ha eo o nang le yona e fela. Ho hloleha ho latela dipehelo tsa phemiti ho ka etsa hore e emiswe kapa e hlakolwe.
ELA HLOKO: Phemiti ena ya ho reka ho tswa dinaheng tsa kantle ha e kenyelletse tlhapi ya metsing a foreshe e laolwang ke Lefapha la Temo . Dikopo bakeng sa diphemiti tsa ho eka dinaheng tsa ka ntle tlhapi e phelang metsing a foreshe kapa a dinaheng tse tjhesang haholo di ka etswa Lefapheng la Temo.
Ke feela makgala a felletseng a omisitsweng sehatsetsing a etsang boima ba 600 g kapa ka hodimo le le leng mme a sa fete ditone tse 25 a ka rekwang dinaheng tsa ka ntle.
Ha ho na makgala a phelang a ka rekwang ho tswa dinaheng tsa ka ntle.
Bala foromo ya kopo ka hloko mme o etse bonnete ba hore o fihlela ditlhoko le dipehelo tsa kopo.
diaterese tsa meaho tsa bao ba ho romelang ho tswa ka ntle dinaheng tsa habo bona mabitso a tsebahalang haholo hape a saense a mefuta ya tlhapi bongata ba mefuta ya tlhapi e rekwang ka ntle.
khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso ya sethathong le ditokomane tsa ngodiso ya khampani ya hao, le close corporation kapa terasete.
dikhopi tse tiiseditsweng tsa diphemiti tse sebetsang tsa ho reka dinaheng tsa ka ntle ho tswa Lefapheng la Kgwebo le Indasteri kapa tsebiso ya phemiti.
dikhopi tse tiiseditsweng tsa Tax Clearance Certificate ya sethathong jwalo ka ha e ananetswe mme ho fanwe ka yona ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa.
Tsebisa lekala le haufi le wena la South African Bureau of Standards ka thepa eo o e rekang ka ntle haebe tlhapi eo e rekwang ka ntle e se foreshe hape e sa lokelwa ho jewa ke batho.
Dikopo tsa sethathong di lokelwa ho poswa, ho seng jwalo ho ke ke ha fanwa ka phemiti.
Ho batleha tefello ya kopo ya R225.
Tshebetso ya kopo e ka nka matsatsi a 7 a mosebetsi kapa ka hodimo, mme hona ho tla ya ka hore na kopo e entswe ka nepo na.
<fn>GOV-ZA. Approveanimalforcollectionofsemen.2010-03-25.st.txt</fn>
maemo a bophelo ka bophara ho hloka bolwetsi boleng ba lero la botona makgetha a mang a ka ballwang.
Laolla ho inthanethe mme o tlatse foromo ya kopo o ngola ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo. Foromo hape e ka kotjwa ho Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo.
Kopo e tlameha ho etsuwa ka lebitso la setsi se ngodisitsweng moo phoofolo e tla bolokwa teng.
Kopo e tlameha ho romelwa ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi.
DNA/ lengolo la bopaki ba mofuta wa madi direkoto tsa tshebeso ya phoofolo tefo e balletsweng ya kopo.
Kopo e tlameha ho netefatswa ke ngaka ya diphoofolo e poraefete mme e tiiswe ke ngaka ya diphoofolo e molaong.
Ha mongodisi a hana ho amohela kopo, mokopi o tla tsebiswa ka lengolo mabapi le qeto le mabaka ao e thehilweng hodima ona.
Ha mongodisi a amohela kopo bakeng sa tumello ya phoofolo e amehang jwalo ka phoofolo eo e leng mofani, ho tla ntshuwa lengolo la bopaki ba tumello.
<fn>GOV-ZA. Appsetuplearnemp.2010-03-25.st.txt</fn>
Learnership ke mokgwa o mong wa thupelo o tsepamisang maikutlo boiphihlelong bo sebetsehang.
Di-learnership di kenyelletsa thuto ya ka tlelaseng setsing sa thupelo kapa kholetjheng le thupelo ya mosebetsi sebakeng seo ho sebetswang ho sona.
e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Boramesebetsi ba lokela hoetsa qeto ya hore ke bokgoni bofe boo ba bo hlokang e be ba kgetha learnership efe kapa efe eo ho fanwang ka yona ke Sector Education Training Authority efe kapa efe.
Boramesebetsi ba ka etsa kopo ya thuso ho tswa ho SETA ya bona hang hoba ba saene tumellano ya learnership. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore boramesebetsi ba iteanye le SETA ya bona pele ba saena tumellano ya learnership ho etsa bonnete ba hore SETA e na le tjhelete e lekaneng. Iteanye le ba SETA hore o fumane ka moo o ka etsa jwang kopo.
Fumana motho ho tswa mokgatlong wa lona ya tla tataisa baithuti mme a ba thuse ka mathata ao e ka bang ba tobane le ona mokgatlong wa lona.
Fumana motho ya tla thusa moithuti ka karolo ya akademiki ya learnership ka ho kgetha moabi wa thupelo. Moabi wa thupelo o lokela ho ba motho ya ananetsweng ke SETA.
Boramesebetsi, baabi ba thupelo le baithuti ba lokela ho saena tumellano ya learnership.
Boramesebetsi ba lokela ho saena konteraka le baithuti ba sa sebetseng ba dumellang le Mokga o Hlwayang Baithuti e leng Sectoral Determination for Learnerships. Ha ho hlokehe hore ho saenwe dikonteraka tse ntjha le basebetsi ba seng ba sebeletsa ramosebetsi.
Ho bohlokowa hore boramesebetsi ba ngodise tumellano ya bona ya learnership le SETA. Ha ba sa etse jwalo, ba ke ke ba kgona ho tleleima lekgetho ho tswa ho ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa . Iteanye le ba SARS bakeng sa dintlha tse eketsehileng le ka moo o ka tleleimang tjhelete ya lekgetho.
Hang ho ba mehato ena e ka hodimo e phethwe, boramesebetsi ba ka kenya tshebetsong learnership.
Ho ka nka matsatsi a ka bang 30 ho hloma learnership.
Tshebeletso ena ke mahala.
Etsa kopo Lefapheng la Mesebetsi.
<fn>GOV-ZA. ArchivalRetrievalSystem.2010-03-25.st.txt</fn>
National Automated Archival Information Retrieval System ke tshebetso e momahaneng ya ho thola tlhahisoleseding ya diakhaeve e kgonang ho hlwaya thepa ya diakhaeve hodima sehlooho se nehuweng ho sa tsotellwe hore ke ya batho bohle kapa ha se ya batho bohle, mme ho sa tsotellwe sebaka kapa mofuta.
NAAIRS e thusa basebedisi ba diakhaeve ho hlwaya le ho fumana sebaka sa thepa ya diakhaeve e tsamaelanang le ditlhoko tsa bona.
NAAIRS e fupere feela tlhahisoleseding mabapi le thepa ya diakhaeve, mme e se dingolwa tsa ditokomene ka botsona.
Boholo ba diakhaeve ke direkoto tsa bohle tse bodiseng ba National Archives Repository mmoho le dipolokelo tsa diakhaeve tsa provinse. NAAIRS e kenyeletsa hape le direjistara tsa setjhaba tsa direkoto tseo e seng tsa bohle bodiseng ba dipolokelo tsa diakhaeve tse poraefete tse ka hodimo ho ma-40. Leha ho fihlella ka ho tobileng ho ditokomane tsa diakhaeve ho sa batle tefello, setjhaba se lefiswa bakeng sa ho hlahisa thepa hape ka sepheo sa e sebedisa hape; ka mokgwa wa filimu kapa pampiri. Diphatlalatso le tsona di a rekiswa.
ho etela polokelo ya diakhaeve ho ngolla ho polokelo ya diakhaeve fekse kapa e-meile ho tsoma ho inthanethe.
Ho ka nka matsatsi a supileng ho fumana thepa ya diakhaeve.
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo tsa kopo di fumaneha polokelong.
<fn>GOV-ZA. Arrangetopayoutstandingtaxesduetosars.2010-03-25.st.txt</fn>
Tefelo ya lekgetho le lefuwang, ka tlwaelo, e kwala ka mohla o hlalositsweng tsebisong ya tekolo kapa tsebiso efe kapa efe mabapi le tefello e ntshitsweng ke ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa . Ha eba tefello eo ha e a lefuwa mohlang oo, o tla tlameha ho lefa phaello le dikotlo.
Ha eba o sa kgone ho lefella tefello eo e hlokwang ka mohla o beilweng, o ka kopa tlhophiso e nngwe hore o ka nna wa dieha ho lefa.
Ditlhophiso tsa tieho ho ya ka balanse e akhaonteng ya hao e ka behelwa boholo dikgwedi tse tharo ho tswa ka mabaka ao o kopang ka ona.
SARS e tla lekola kopo ya hao, mme e etse qeto ka tlhophiso ya tieho ya ho lefa. Re kope hore o hlokomele hore SARS e ka nna ya hana kopo ya hao.
dikopo tsa ditlhophiso tse diehileng di ka romelwa ka letsoho lekaleng la ofisi ya SARS e haufi le wena dikopo ka ho founa di ka etswa Ditsing tsa Ho Founa tsa SARS tse tshwanetsing dikopo tsa fekese di ka romelwa Setsing sa Ho Founa sa SARS se tshwanetsing kapa lekaleng la ofisi e haufi.
Saena tlhophiso ya tefello e diehileng pele tlhophiso e ka ngolwa rekotong ya hao ya lekgetho.
Ha eba o ka hloleha ho sebetsa ho ya ka mabaka a tefello a lekgetho le salletseng morao jwalo ka ha ho ngotswe tumellanong e saennweng le SARS, tlhophiso ya tumellano e tla fediswa , mme mekgwa ya ho sebetsa e tlwaelehileng e tla sebediswa ho bokella ditefello tse salletseng morao tseo o tlamehang ho di lefa, di tla qalwa.
Ha ho na nako e beilweng ya tshebeletso ena.
Tshebeletso ha e lefellwe.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA.CJReview-TOR.2010-03-25.st.txt</fn>
SELELEKELA Ho nkilwe qeto ka nako ya Makgotla a Kabinete, ka Phupu 2003 le 2004, hore ho lekolwe botjha Tshebetso ya toka e kgahlanong le Botlokotsebe ya Afrika Borwa. Tokomane ena e na le maikemisetso a sisintsweng, mokgwa wa ho sebetsa o nang le dipehelo le maemo le merero e meng e tshwanetseng e amanang le tekolo botjha eo, e radilweng ka ho latela maikutlo a hlahisitsweng Lekgotleng la Kabinete ka Phupu 2004 le ditshwaelo tsa Mopresidente Thabo Mbeki, kopanong ya JCPS ya la 12 Phato 2004.
Ho neha bao ba ralang maano tlhahisoleseding e hlokehang bakeng sa ho lekola ka moo mosebetsi o phethwang ka teng tshebetsong ya ha jwale ya Afrika Borwa ya toka e kgahlanong le botlokotsebe ka mokgwa o theilweng hodima mahlale.
Ntjhafatso kapa diphetoho tse lokelwang ho etswa tse amanang le ditlwaelo le melao ya bopaki le ya mekgwatshebetso ya botlokotsebe, mekgwa le melao ya ho fana ka beile le ya ho ahlolwa, batshwaruwa ba sa ntsaneng ba emetse kahlolo le ho tlala ho feta tekano ditjhankaneng hore ho ntlafatswe bokgoni le mokgwa wa ho sebetsa wa tshebetso ya toka e kgahlanong le botlokotsebe.
Ha ho hlokeha, khonferense e tla kopanya bathahaselli bohle ba baholo le hore ba be le ditherisano ka tshebetso ya toka e kgahlanong le botlokotsebe, ho kenyelletswa baemedi ba tswang mafapheng a mmuso, ditheong tsa thuto e phahameng le setjhabeng.
Ho fana ka pehelo.
Sehlopha sa Tsamaiso ya Tshebetso tsa Toka kgahlanong le Botlokotsebe le Diphuputso ka Leano (Sehlopha sa Diphuputso).
Sehlopha sa Tekolo botjha se tla bopa karolo ya bohlokwa haholo e bohareng ya tataiso e tswellang pele ya dipolotiki ya tekolo botjha.
Ho etsa bonnete ba hore bathahaselli bohle ba fumana diphetho tsa makgaolakgang.
Lekala la Matlotlo a Naha.
Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le tla sebetsa jwalo ka Modulasetulo wa Sehlopha sa Tekolo botjha.
Sehlopha sa Diphuputso se tla bopa karolo ya bohlokwa haholo ya mosebetsi wa diphuputso o lokelwang ho etsuwa.
Bakeng sa ho ba le ditlhahiso tsohle tse boletsweng mona ka hodimo.
Lekgotla la Thuso ya Molao; le sehlopha sa bafuputsi ba tshepahalang haholo, ho kenyelletswa le ba tswang Khomisheneng ya Diphetoho tsa Molao ya Afrika Borwa.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo o tla sebetsa jwalo ka Modulasetulo wa Sehlopha sa Diphuputso.
Ho hlokeha hore ho thehwe sehlopha sa basebetsi ba ofisi e tla fana ka tshehetso Dihlopheng tse etsang Diphuputso ka Tekolo botjha. Sehlopha sena sa basebetsi ba ofising se lokela ho kengwa Ofising ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Raporoto ya makgaolakgang e lokela ho iswa ho Mopresidente, selemong se le seng ho tloha letsatsing leo e keneng tshebetsong ka lona, mmoho le diraporoto tsa nakwana, ha di kotjwa.
Ho lebelletswe hore ho tla hlokeha bajete ya bonyane R10 million, e tla tswa ho Lekala la Matlotlo a Naha.
<fn>GOV-ZA. Cancelvat.2010-03-25.st.txt</fn>
moo boleng ba thepa ya hao e lefiswang lekgetho bo welang ka tlasa moedi wa R300 000 ka selemo moo o emisang ho tswela pele ka dikgwebo tsohle tsa hao mme o ke ke wa tswela pele ka kgwebo efe kapa efe dikgweding tse 12 ka mora letsatsi leo la ho emisa ha o entse kopo ya ngodiso ka sepheo sa ho qala kgwebo, mme o eso ka o qala kgwebo eo.
Le ha o se o sa ngodiswa bakeng sa ho lefa VAT, o ntse o lokela ka ho ya ka ditlamo dife kapa dife tse hlahelletseng tlasa Molao wa Value-Added Tax, wa 1991, ka nako eo o neng o ntse o ngodisitswe.
O lokela ho tsebisa ba SARS matsatsing a 21 ka mora ho kwala dikgwebo tsohle.
SARS e ke ke ya hlakola ngodiso ya mohwebi ha ho ba le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore a ka qala kgwebo efe kapa efe nakong efe kapa efe dikgweding tse 12 ho tloha mohlang ngodiso e jwalo e emisitsweng.
Bula mme o tlatse foromo ya kopo kapa o ye ofising ya SARS moo o ngodisitsweng teng hore o etse kopo.
Romela ofising ya SARS moo o ngodisitseng teng.
SARS e tla ho neha motho ya amehang tsebiso e ngotsweng fatshe ka ho hlakolwa ha ngodiso kapa ho hanelwa ho hlakolwa ha ngodiso.
Ha ho na nako e beuweng.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Ccmapicketingruls.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Dikamano Mosebetsing, 1995, o ela hloko tokelo ya ho phiketa. Yunione e ngodisitsweng e ka dumella phikete e ka etswang ke ditho tsa yona mmoho le batshehetsi ba yona bakeng sa merero ya boipelaetso bo nang le kgotso.
Phikete e ka tshwarwa sebakeng sefe kapa sefe seo setjhaba se ka se fihlelang, empa ka ntle ho mabala a ramosebetsi, kapa ka tumello ya ramosebetsi, ka hara mabala a ramosebetsi.
Yunione e ngodisitsweng kapa ramosebetsi a ka kopa Khomishene ya Poelano le Bonamodi e leng Commission for Conciliation, Mediation and Arbitration ho leka ho fumana tumellano pakeng tsa bao ba amehang ngangisanong mabapi le melawana e lokelwang ho sebetsa phiketeng efe kapa efe ya seteraeke kapa ho notlellwa ka ntle. Ha ho se na tumellano e fihletsweng, CCMA e lokela ho beha melawana ya ho phiketa, e ntse e ela hloko mabaka a itseng a sebakeng sa ho sebetsa kapa mabala a mang mabapi le ho phiketa le khoutu efe kapa efe e tshwanetseng ya boitshwaro bo botle.
Melawana e ka dumella basebetsi ho phiketa mabaleng a ramosebetsi ha CCMA e bona hore ramosebetsi o bile thata ka tsela e sa lokang ka ho hanela ho phiketa hoo mabaleng a hae.
Yunione e ngodisitsweng kapa ramosebetsi a ka tlatsa foromo ya LRA 4.
Neha motho e mong khopi ya foromo ena.
setatemente se saennweng ho tswa ho motho ya isitseng foromo se tiisetsang tshebeletso; kapa khopi ya tiisetso ya fekse kapa bopaki bofe kapa bofe bo bong bo kgotsofatsang ba tshebeletso.
Romela foromo e tlatsitsweng ho Rejistra: Ofisi ya Provinse ya CCMA.
Haebe ke batho ba fetang ya mong ba amehang ngangisanong kapa haebe ngangisano e kgahlanong le batho ba fetang ya mona, ngola fatshe mabitso a mang mmoho le dintlha tsa pampitshaneng e nngwe ka thoko e be o e hokela foromong.
Hona ho tla ya ka hore ho nka nako e kae ho rarolla ditsekisano.
Kopo ya CCMA ya ho hloma melawana ya ho phiketa, Foromo ya LRA 4.
<fn>GOV-ZA. CertificateOfAccreditation.2010-03-25.st.txt</fn>
Ejensi ya poraefete ke ejensi e ngodisitsweng e fanang ka tshebeletso tsa ho rarolla dingangisano.
Mokga o laolang o ka batla tlhahisoleseidng e nngwe hape e tshehetsang kopo, mme bakeng sa morero oo, o ka kopa mokopi ho ba teng kopanong e l nngwe kapa ho tse fetang e le nngwe ya mokga o laolang.
Hokela khopi ya khoutu ya boitshwaro ya ejensi le mabaka a kananelo foromong ya kopo.
Romela foromo ya kopo ho mokga o laolang wa CCMA.
Ha ho na nako e beuweng.
<fn>GOV-ZA. Certificateofacceptabilityforhandlingandtransporti.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ofe kapa ofe ya anng le sebaka sa dijo kapa ya tsamaisang dijo o lokela ho ba le setifikeiti sa kamohelo. Setifikeiti sena ho fanwa ka sona ka mora ho ba bahlahlobi ba makgotla a motse ba hlahlobe dibaka kapa koloi.
Fana ka dibaka tse tshwanetseng tse tla sebedisetswa feela ho tshwara dijo, kapa koloi e sebedisetswang feela ho tsamaisa dijo.
Boloka koloi le dibaka di hlwekile ka dinako tsohle, ho etsa bonnete ba hore dijo tse tsamaiswang kapa tse tshwarwang ha di silafatswe ke ditshintshi, ditshila, ntho tse sa hlwekang kapa dintho tse ding tse ka bang kotsi.
Maemo a tshebeletso a itshetlehile ho bahlahlobi ba lekgotla la motse.
Tshebeletso ena ke mahala empa makgotla a motse a ka lefisa tefello e itseng.
Diforomo di fumaneha mahala Lefapheng la Naha la Bophelobo Botle. O ka di fumana hape dikantorong tsa Mmasepale o haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Certificateofacceptabilityformilkhandlingnadtransp.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikiri tsa ho hama ke dibaka tse sebediswang bakeng sa tlhahiso le ho tshwara lebese ka mokgwa o hlwekileng. Kopo ya setifikeiti sa tumello ya sekiri sa ho hama e lokelwa ho ngolwa fatshe. Kopo e lokela ho kenyelletsa tlhahisoleseding e boletsweng mona ka tlase.
Romela kopo e ngotsweng fatshe lekgotleng la motse le tikolohong eo sekiri sa ho hama se leng ho yona kapa se tla ba ho yona.
O itokisetse ho fana ka tlhahisoleseding efe kapa efe e nngwe eo lekgotla la motse le ka e hlokang.
Mohlahlobi wa lekgotla la motse le tla hlahloba ka botlalo ya dibaka. Mohlahlobi o romela raporoto le kgothaletso ho lekgotla la motse.
Ho fanwa ka setifikeiti sa tumello ha raporoto ya mohlahlobi e tjhaela monwana sebaka seo.
E fapana ka ho ya ka mabatowa.
Tshebeletso ena ke mahala.
Kopo ya setifikeiti sa tumello ya sekiri sa ho hama. Diforomo di fumaneha dikantorong tse haufi le wena tsa Mmasepala kapa dikantorong tsa Lefapha la tsa Bophelo.
<fn>GOV-ZA. Certificatetoremoveimportedliquor.2010-03-25.st.txt</fn>
Moamohedi wa setswantle o hloka setefikeiti sa ho tsamaisa dihlahiswa tsa jwala bo dibotlolong ho tloha ledibohong la ho kena ho tla bo rekisa mona Afrika Borwa. Moamohedi wa setswantle o hloka setefikeiti bakeng sa thomelo ka nngwe.
Tlamolla thoto ya jwala ledibohong la ho kena nakong eo mohlahlobi wa Lefapha la Temo a lebeletseng.
Neha mohlahlobi kopo ya setefikeiti sa ho tsamaisa.
Tlatsa foromo ya kopo e arohileng bakeng sehlahiswa ka seng seo dikahare, sebopeho, leibole, lebitso la kgwebo kapa saese ya botlolo di arohileng ho dihlahiswa tse ding tsa jwala tse thotong.
sampole ya 750 mililitara eo mohlahlobi a tlang ho e ntsha thotong.
disetefikeiti tsa sethatho, tsa bongata ba dilemo, sebopeho le mofuta tse ntshitsweng ke mokgatlo o molaong wa naha ya sethatho.
R64 le R3,20 ka hektolitha ka nngwe kapa karolo ya yona.
<fn>GOV-ZA. Changegeographicalnames.2010-03-25.st.txt</fn>
Mabitso a jeografi ke mabitso a makgetha hodima lefatshe ao e leng a tlhaho kapa a thehilweng ke batho mme a hlophiswa. Makgetha ana a ka ba le badudi kapa a hloka badudi.
Mabitso a jeografi a welang tlasa bolaodi ba mmuso wa lehae a kenyeletsa diterata, meaho ya mmasepala le dikwere, dipaka le mabitla a lehae, le meaho ya batho ba ka thoko. Mabitso a jeografi a welang tlasa bolaodi ba mmuso wa naha a kenyeletsa ditoropo, ditorotswana, metse ya bodulo, diposo, diteishene, mabala a difofane, dikou tsa dikepe le mebila e meholo, esita le dibopeho tsa naha tsa tlhaho tse kang dithaba, dinokana, dinoka, dikou tsa lewatle, dintlha tsa lefatshe, dihlekehleke, mekgwabo le dipaka tsa naha.
Ke mang ya ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso?
Mafapha ohle a mmuso, mebuso ya diprovense, balaodi ba lehae, South African Post Office , batho ba ntshetsang pele dibaka tsa bodulo le tse ding, kapa mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho.
puo eo lebitso le tswang ho yona mohlodi le moelelo wa lebitso ha o o tseba lekgetha la lebitso le kgothaletswang, mohlala, poso kapa seteishene sa terene setereke sa maseterata le provense moo sebaka se behehileng ho sona lekgetha le behehile hole hakae, mme nqalong efe, ho tloha toropong e haufi kapa ofisi ya maseterata.
Kenyeletsa mmapa wa boholo ba A4.
Bolela lebitso la motho ya kgothaleditseng lebitso le letjha.
Romela foromo ya kopo ho Lekgotla la Taolo la Setso kapa Lekgotla la Taolo ya Lehae hore le saene mme le hatise ka setempe se molaong.
Ho na le nako ya ho ema ya dikgwedi tse nne bonyane.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Checknameonvotersroll.2010-03-25.st.txt</fn>
Bavouti ba ingodisang ba ka tiisetsa hore ba ingodisitse ka nepo lenaneng la bavouti. Ha lebitso la hao le sa hlahelle lenaneng la bavouti o tla eletswa hore o ye ofising ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho ho ya inodisa botjha.
Iteanye le ba Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho dihoreng tsa mosebetsi nomorong ena 0800 11 8000 mme o ba nehe nomoro ya tokomane ya hao ya boitsebiso.
Romela SMS e nang le nomoro ya hao ya ID nomorong ena 32810.
Ho seng jwalo, kena weposaeteng ya IEC ho tiisetsa moleng wa khomputara.
Dintlha di tla tiisetswa ha o ntse o eme moo.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA. Childadoption.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho ba motswadi wa letholwa ka molao ho bolela ho amohela bohlokomedi ho ya ka molao, ho ya ka ditsamaiso tsa molao, mabapi le ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba bang.
Ke mang ya ka etsang kopo ya taelo ya ho ba motswadi wa letholwa ka molao?
Ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo.
Taelo ya botswadi ka molao e tlameha ho ntshwa ke lekgotla la bana le emeng seterekeng seo ngwana a dulang ho sona.
Lekgotla la bana le ka ntsha taelo ka mora ho hlahloba tlaleho e balletsweng e tswang ho mosebetsi wa tsa bodulo ya ananetsweng.
Etsa kopo ya taelo ya botswadi ka molao lekgotleng la bana le emeng seterekeng seo ngwana ya tla amohelwa tlasa botswadi ho ya ka molao a dulang ho sona. Jwalo ka ha makgotla ohle a bomaseterata a sebetsa jwalo ka makgotla a bana, o ka etsa kopo ho tlelereke ya lekgotla la bana.
Mothusi wa lekgotla, ha e le hore hona ha ho so etsuwe, o tla kopa mosebetsi wa tsa bodulo ya ananetsweng ho etsa patlisiso mabapi le kopo.
Mafelong a patlisiso mosebetsi wa tsa bodulo o tla aromela tlaleho ho lekgotla la bana moo kopo e entsweng teng. Ntle le ha lekgotla le batla jwalo, tlaleho e ke ke ya senola boitsebiso kapa sebaka moo batswadi ba rerileng ho ba batswadi ba letholwa ka molao ba dulang teng - kapa ngwana, ha a se a le tlhokomelong ya bona - ntle le tumello ya bona e ngotsweng ya pele ho nako eo.
Ha le kgotsofetse ke tlaleho le tlhahisoleseding efe feela e nngwe e mabapi le botswadi ba letholwa ka molao bo rerwang lekgotla, ka boitsebelo ba lona, le ka hlahloba kopo mme le etse taelo e nehelang ka botswadi ba letholwa ka molao ntle le ho mamela motho le ofe feela. Leha ho le jwalo, e ka etsa jwalo feela ha kopo ya botswadi ba letholwa ya molao e sa tsekwe.
Ha kopo e sa amohelwa kapa e ke ke ya amohelwa, ho tla behwa letsatsi leo lekgotla la bana le tlang ho mamela kopo eo ka molao. Tlelereke ya lekgotla la bana e tla ntsha tsebiso ka Foromo 1A, Notice to prospective adoptive parents , ho tsebisa motswadi ka mong wa botswadi semolao ka phutheho ya ho mamela kopo.
Btswadi kapa motswadi wa sebele wa ngwana a ke ke a ba teng ditsamaisong tsa lekgotla bakeng sa ho tholwa ha ngwana wa hae ka molao, ntle le ha lekgotla, ka boitsebelo ba lona, le mo dumella ho ba teng kapa ha lekgotla le bona hore boteng ba hae bo tla ba molemong wa ngwana ka ho fetisisa.
Lekgotla le ka kopa batswadi kapa molebedi wa ngwana bakeng sa tumello ya bona e ngotsweng ya ho amohelwa ha ngwana ya thotsweng ka molao. Le ka kopa e tshwanang le ho ngwana ya tla tholwa ka molao ha a le dilemo tse ka hodimo ho tse 10 mme lekgotla le kgotsofetse hore ngwana o utlwisisa maemo le bohlokwa ba tumello.
Ha, kgatong le efe ya ditsamaiso, lekgotla le nahana hore ho na le mabaka a amohelehileng a ho se batle tumello ya batswadi ba sebele, lekgotla le tla kopa tlelereke ya lekgotla ho romela tsebiso kapa Foromo 22, Notice to parent to advance reasons in terms of regulation 21 , ho motswadi ya amehang. Tsebiso ena e tla kopa motswadi ho hlaha lekgotleng leo la bana ha a batla ho neha mabaka a hore keng ho ke ke ha behelwa ka thoko tumello ya hae.
Ha motswadi a le siyo lekgotleng la bana letsatsing le boletsweng mme le lekgotla le kgotsofetse hore o tsebiso e nepahetseng e ne e rometswe ho motswadi mme ha ho lebaka le bonahalang la ho hloleha ha motswadi ho hlaha, lekgotla le ka mamela kopo hanghang mme le nehelane ka kahlolo.
Tsebiso e nepahetseng ha e a kgona ho romelwa ho motswadi mme lekgotla, ka boitsebelo ba lona, le ka romela tsebiso ho motswadi hape ho ya ka moo le bonang ho tshwanelehile, kapa le ka mamela kopo hanghang mme le nehelane ka kahlolo.
Ha lekgotla la bana le hlahloba kopo ya ho tholwa ha ngwana ka molao, nehelano feela ya tlaleho e ngotsweng ya mosebetsi wa tsa bodulo ya ananetsweng kapa le motho ofe feela ya nang le bolaodi e tla ba bopaki ba prima facie ba mabaka a boletsweng tlalehong.
Motho ofe le ofe feela ya amehang ka ho otloloha ke tlaleho a ka kopa hore dintlha tsa yona di senolwe. Hona ho tla etswa kopanong e molaong ya ho mamela.
Ha motho ya amehang a batla ho etsa jwalo, o tla ho nehwa monyetla wa ho hloma dipotso ho mongodi wa tlaleho mabapi le lebaka lefe feela le hlahang tlalehong, le ho phehisa le sefe setatemente se hlahang ho yona.
Mokomishenare ya amehang o tla hlalosetsa ka ho hlaka motho ya amehang mabapi le diphetho tsa ho hloleha ho phehisa kapa ho hanana le ditatemente tse hlahang tlalehong.
Phuthehong ya ho mamela kopo, mokopi le motswadi ya romeletsweng tsebiso ba tla ba le ditokelo le matla a tshwanang le a motho ya keneng nyeweng ya bodulo lekgotleng la maseterata mabapi le tlhahlobo ya dipaki, ho neha bopaki le ho bua le lekgotla.
Moo taelo ya kamohelo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e sa nehelwa, kapa moo tumello ya ho amohela ngwana ya tholwang ka molao e sa ka ya hulwa kapa e so ntshuwe, batswadi ba ngwana kapa molebedi ba ka kopa lekgotla ho butsetsa ngwana polokelong ya bona. Kopo ena e ka etswa ka mosebetsi wa tsa bodulo kapa motho ya thontsweng ke lekgotla la bana ka ho sebedisa Foromo ya 21C, Notice to prospective adoptive parent for release of child to custody of parent or guardian . Leha ho le jwalo, hona ho tla etswa feela ha ho le molemong wa ngwana.
Taelo ya ho thola ngwana ka molao e tla nehelwa ho Foromo 14.
Nako ya ho hlophisa kopo e itshetlehileng dinthleng tsa kopo.
Tsebiso e yang ho motswadi wa ngwana ya tla amohelwa jwaolka letholwa ka molao e tla neha dintlha tse lekaneng kapa mabaka a ho se kope tumello ya bona ya ho amohela ngwana botswading ba semolao. Tsebiso e tla nehelwa bonyane matsatsi a 21 pele ho letsatsi la ho hlaha kgotla.
Ha mme wa ngwana a hana ka tumello, kopo e tla etswa lekgotleng la bana nakong ya matsatsi a 14.
Ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo, nakong ya matsatsi a supileng a ho nehelwa ha taelo, o tla etsa kopo ya ho fetola dintlha tsa hae ditokomaneng tsa ngodiso ya tlhaho ya ngwana.
Ka mora ho romela kopo ya tokiso, ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo o tla tsebisa tlelereke ya lekgotla la bana moo kopo ya kamohelo ya ho tholwa ha ngwana ka molao ya ngwana e neng e kentswe teng. O tlameha o etsa jwalo ka ho ngola, mme a bolele hore ke letsatsing lefe le sebakeng sefe moo kopo ya hae ya tokiso e entsweng teng.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Commercialbroadcastinglicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Lakesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo e ntshwang bakeng sa tshebeletso ya kgaso e sebeletsang phahello kapa e le karolo ya phahello. Tshebeletso ya Kgaso ya Afrika Borwa ke yona feela tshebeletso ya kgaso ya setjhaba e filweng lakesense mona Afrika Borwa.
Mang kapa mang ya ikemiseditseng ho nehelana ka tshebeletso ya kgaso ya kgwebo o lokela hoba le lakesense ya kgaso ya kgwebo.
Mang kapa mang ya ikemiseditseng ho nehelana ka tshebeletso ya kgaso ya kgwebo o lokela ho phethahatsa melawana jwalekaha e hlalositswe tokomaneng ya Memo ya ho etsa Kopo bakeng sa Lakesense ya Kgaso ya Kgwebo, e phatlaladitsweng ka molao Koranteng ya Mmuso.
dipehelo le Maemo a akaretsang: metjha e lokelang ho latelwa maemo a Koporasi: Maemo a Molao a motho ya etsang kopo mananeo: Palo ya mananeo a mona naheng, Puo, le Mananeo a haswang tlhokeho le thahasello bakeng sa tshebeletso e lohothwang ditjhelete ditlhoko tsa setegeniki.
Foromo ya Kopo le dibaka tse lohothilweng tsa kgaso e ba karolo ya Koranta ya Mmuso e ntshitsweng ka ho qoholleha bakeng sa Memo ya ho etsa Kopo.
Tlatsa foromo ya kopo e hatisitsweng, o sebedisa diletere tse kgolo.
Romela dikhopi tsa nnete le tse netefaditsweng tse 16 le tjhelete be sa kgutlisweng ya.
Diforomo tse sa tlatswang ka ho phethahala di tla kgutlisetswa ho motho ya entseng kopo mme ha ho motho ya tla jara boikarabelo ba tshitiso e jwalo.
Lakesense e ka nka dikgwedi tse 6 ho isa ho tse 12 ho ntshwa.
R 30 000, tjhelete e sa buseletsweng ya kopo.
Foromo ya Kopo e tla ba karolo ya melawana ya Koranta ya Mmuso.
<fn>GOV-ZA. Communitysoundbroadcasting.2010-03-25.st.txt</fn>
Laesense ya Kgaso ya Motse e sebeletsa ditlhoko tsa kgaso tsa motse bakeng sa nako ya boholo ba dilemo tse nne. Yona e ya ntjhafatswa, ha feela o etsa kopo ya ntjhafatso ya laesense e seng pele ho dikgwedi tse tsheletseng pele nako ya yona e fela kapa e seng ka mora dikgwedi tse tharo nako ya yona e fedile. Yona e ntjhafatswa feela ha moga laesense a latetse dipehelo tsa bolaodi ba dilaesense. Laesense e fuwa baahi ba ipopang ho ba khampani ya Karolo ya 21, Terasete, mokgatlo wa baithaopi kapa mokga ofe kapa ofe wa semolao mme o sa etseng diphaello.
ntshetsopele ya tokelo ya dikgokahano le bolokolohi ba ho ikutlwahatsa ho dumella ho fapafapana ka hara indasteri ya kgaso ho etsa hore baahi jwalo ka bahlahisi, batsamaisi le bamamedi ba be le seabo se mafolofolo tshebetsong ya dikgokahano ho ba lentswe la baahi ho fana ka mananeo a tla bontsha dikgahleho le ditlhoko tse ikgethang tsa baahi, ho kenyelletsang le ditlhoko tsa setso, puo, bodumedi le dipalopalo tsa baahi.
Tshebeletso ya kgaso ya thelevishene.
Laesense e sebetsa dilemo tse nne.
Lefapha la Dikgokahano le tshehetsa beng ba dilaesense tsa dilemo tse nne tsa disebediswa tsa kgaso le tlhahiso, ha feela ba fihlela ditlhoko tsa Lefapha.
ICASA e tla ntsha memo ya hore ho etswe kopo ya tshebeletso ya kgaso ya motse e be e abela dibaka tse fapaneng di-frequency tse leng teng.
Ho hloma sehlopha sa tshebetso se tla ba le boikarabelo ba tshebetso ya kopo mme se sebetse jwalo ka mokopi lebitsong la motse.
bokella ditshaeno baahing ngola moralo wa kgwebo thusa ka hore ho be le dikgetho tsa demokerasi bakeng sa ditho tsa Boto hlwaya sebaka sa studio le setsha sa transmishene.
Kopa foromo ya kopo ya tshebeletso ya kgaso le kabo ya signal.
Tlatsa foromo ya kopo ka ho hatisa, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Romela foromo ya mantlha ya kopo le dikhopi tse ding tse tiiseditsweng ho ICASA mmoho le tefello ya kopo.
Dikopo tse sa tlwatsang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme re ke ke ra amohla boikarabelo ba tshitiso efe kapa efe.
Ho ka nka dikgwedi tse 3 ho isa ho tse 4.
Foromo ya kopo e tla ba karolo ya dishejulu tsa Koranta ya Mmuso.
<fn>GOV-ZA. Companysharecapital.2010-03-25.st.txt</fn>
Jwalo ka ha ho ngodiswa ha khampani e nang le share capital e le mosebetsi o rarahaneng, ho kgothaletswa hore bakopi ba fumane ditshebeletso tsa maqwetha.
Ho tshwanetswe hore ho ngolwe Memorandum and Articles tsa khampani mme o hlophiswe ka tsela e tla tsamaelana le khampani e nang le share capital mme di tiisetswe ke notary public, eo e leng profeshenale ya molao. Public company e ka amohela Lenane la A foromong ya kopo ka botlalo kapa e ka iketsetsa la yona ha feela le tla tsamaelana le Molao wa Dikhampani, 1973. Private company e ka amohela Lenane la B foromong ya kopo ka botlalo kapa e ka iketsetsa la yona ha feela le tla tsamaelana le Molao wa Dikhampani, 1973.
Ho kopa peeletso ya lebitso ka ho romela foromo ya kopo ya CM5 - bakeng sa peeletso ya lebitso. Foromo e fumaneha Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.
Tlatsa CM29 - Dikahare tsa rejistara tse nang le dintlha tsa balaodi le baofisiri. Foromo e fumaneha Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.
Molaodi ka mong wa khampani o lokela ho tlatsa foromo ya CM47. Foromo e fumaneha Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.
Tlatsa foromo ya CM31 ho fana ka tumello ho motho hore a be mohlakisi. Foromo e fumaneha Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.
Ho fana ka matla a boemedi a yang ka molao ho leqwetha, mme ho bolelwa ka ho hlaka hore o mo neha matla a ho etsa dintho lebitsong la hao.
Ena ke tokomane e saenwang mme e kengwe setempe ke Rejistra ya Dikhampani ha ditokomane tsohle tsa tsamayang le yona di lekotswe mme tsa ba tsa phethiswa.
<fn>GOV-ZA. Confirmvehicledetails.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena ke ya banga ba dikoloi bao dikoloi tsa bona di fetohileng. Diphetoho tsena di ka kenyeletsa enjene kapa nomoro ya boitsebiso ya koloi . O tlameha ho tsebisa Lefapha la tsa Dipalangwang haeba diphetoho tse jwalo di entswe.
Etela kantoro ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Consenttoadoption.2010-03-25.st.txt</fn>
Tumello ke ho fna ka tumello e ngotsweng hore batswadi e tla ba batswadi ba molao ho ka ho itholla ngwana ka molao. Tumello e ka nehelwa ke batswadi, molebedi kapa ngwana. Ngwana a ka dumela ho amohelwa e le letholwa ka molao ha a na le dilemo tse leshome kapa ho feta. Ho sa tsotellewe dipehelo tsa molao le ofe o mong, motswadi wa ngwana ya nehelaneng ka tumello ho kamohelo ya ngwana wa hae ho tholwa ka molao o na le tokelo ya ho hula tumello e jwalo nakong ya matsatsi a 60 ka mora nehelano ya tumello. Lekgotla la bana le ke ke lya fana ka taelo ya ho thola ngwana ka molao pele nako ya matsatsi a 60 e fela.
Motswadi a hloka bokgoni ba ho nehelana ka tumello ka lebaka la ho se phele kelellong a siile ngwana a le mong mme ho sa tsejwe hore o kae a ile a hlekefetsa ngwana mmeleng, moyeng kapa ka bong, a mo tshwere hampe kapa a mo tlatlapa kapa a dumella hore a hlekefetswe, a tshwarwe hampe kapa a tlatlapjwe a bakile kapa a thusa kgohelong, tjhobedisong kapa thekisong ya mmele ya ngwana kapa a bakile kapa a thusa ngwana ho etsa diketso tse hlabisang dihlong a hana ka tumello ya hae ntle ho lebaka le tshwarehang wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo a hloleha ho itsebisa jwalo ka ntate wa ngwana kapa, ka lebaka le sa utlwahaleng, a sa phethisa ditshwanelo tsa hae tsa botswadi mabapi le ngwana e le ntate wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo mme a emotswe kamanong ya batho ba tswalanang le mme wa ngwana e le ntate wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo, mme yena.
a ne a ahloletswe tlolo ya molao ya peto kapa tlhekefetso ya mmele wa ngwana; kapa a ne, ka mora phuputso ya lekgotla la bana ho latela qoso ke mme wa ngwana, a fumanwe a ile a beta kapa a hlekefetsa mme wa ngwana: Ho itshetlehile hore phumano e jwalo e ke ke ya bopa kahlolo bakeng sa tlolo ya molao ya peto kapa tlhekefetso; kapa ntate wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo a hlolehile ho araba, nakong ya matsatsi a 14, ho tsebiso a e romeletsweng ho ya ka sepheo se ka tlase.
Ha feela motswadi a le mong a nehelane ka tumello, mme motswadi e mong a sa fumanehe ho nehelana ka tumello kapa a sa tlameha ho nehelana ka tumello, mokhomishenare ka ho latela bopaki bo hlakileng ba tumello e jwalo mme a romele tsebiso ho motswadi e mong nakong ya matsatsi a 14. Tsebiso e bolella motswadi hore ho fanwe ka tumello mme ebile e neha yena monyetla wa hore le yena a nehelane kapa a hane ka tumello ya hae, kapa a nehe mabaka a hore keng ha tumello ya hae e tshwanela ho fumanwa mme ho se tswelwe pele ntle ho yona kapa a etse kopo ya botswadi ba semolao ya ngwana ha e le ntate wa sebele mme ngwana a ile a tswalwa ka ntle ho lenyalo.
Ha mme wa ngwana ya ileng a tswalwa ka ntle ho lenyalo a dumetse ho tokiso ya dintlha tsa ngodiso ya tswalo ya ngwana, ntate wa ngwana o tla tsebiswa. O tlameha ho etsa ditlhophiso tse hlokahalang nakong ya matsatsi a 14 a ho amohela tsebiso.
Ha mme wa ngwana a sa dumela tlhophisong ya dintlha tsa ngwana wa hae tsa ngodiso ya tlhaho, motho ya batlang ho itsebisa jwalo ka ntate wa ngwana o tlameha ho etsa kopo lekgotleng la bana le tshwanelehileng bakeng sa taelo ya phatlalatso e pakang hore ke ntate wa ngwana le hore tumello e batlwang ya mme ha e hlokahale.
Tsebiso e tswang ho ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo e hlokahala feela ha ntate wa ngwana a dumela, ka lengolo, hore ke ntate wa ngwana; mme ha a kentse dintlha tsa hae ngodisong ya tlhaho ya ngwana mme a etsa bonnete ba hore dintlha di nepahetse ka dinako tsohle kapa mme wa ngwana, ka nako ya ho neha tumello ya hae, a pakile, ka ho ngola, hore ntate wa ngwana o dumetse hore ke ntate wa ngwana mme a entse boitsebiso ba hae le moo a leng teng ho tsejwe.
mosebetsi wa tsa bodulo a nehelana ka tlaleho e pakang hore ntate ke mang mme o kae ho mokhomishenare ya amohelang bopaki bo hlakileng ba tumello ya mme, kapa lekgotleng la bana moo kopo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e entsweng teng. Tlaleho ena e tlameha ho tliswa nakong ya matsatsi a 60 ka mora hore mme o nehelane ka tumello ya hae, kapa kgatong efe feela pele taelo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e nehelwa ke lekgotla la bana.
Motswadi ya nehelaneng ka tumello mme a lakatsa ho hlakola tumello ya motswadi e mong o tlameha ho tsebisa mokhomishenare ha a etsa bopaki bo hlakileng ba tumello ya hae.
Tumello e tlameha ho ba e ngotsweng. Ha e nehelwa Afrika Borwa, motho kapa batho ba nehelanang tumello ba tlameha ho e saena pela mokhomishenare wa thekolohelo ya bana, ho ba dipaki tsa tumello.
Tumello e nehelwang ka ntle ho Afrika Borwa e tlameha ho saenwa mme e pakwe pela ofisiri tshebeletsong ya boemedi ba Afrika Borwa kapa boromuwa ba boemedi, kapa moahlodi, maseterata, ofisiri ya kgotso kapa ofisiri ya setjhaba ya naha e amehang.
Leha tumello e tshwanela ho fupara mabitso a batswadi ba semolao ba rerwang, lekgotla la bana le ka amohela tumello ya batswadi ba ngwana kapa molebedi e sa fuparang mabitso kapa le dife feela dintlha tsa batswadi ba semolao ba rerwang ha le kgotsofetse hore tshebetso e jwalo e tla ba molemong wa ngwana.
Ha o le ngwana, tlatsa Foromo 13A pela mokhomishenare pele taelo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e etswa ke lekgotla la bana.
Ha tumello e hulwa seterekeng se seng ho ena le setereke seo tumello e neng e nehwa ho sona kapa moo kopo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e tshwanelang ho mamelwa teng, mokhomishenare kapele pele o tla tsebisa lekgotla le tshwanelehileng le mosebetsi wa tsa bodulo ya tshwanelehileng kapa ya ananetsweng ha ho tsejwa hore kopo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e tla mamelwa lekgotleng lefe; kapa tsebisa mokhomishenare ya amohetseng bopaki ba tumello ha ho sa tsejwe hore kopo ya ho thola ngwana ka molao e tla mamelwa lekgotleng lefe.
Hang hang mokhomishenare o tla hlwaya lekgotla moo kopo ya ho tholwa ha ngwana ka molao e tla mamelwa teng mme a tsebise ka bobedi lekgotla le mosebetsi wa tsa bodulo ya tshwanelehileng kapa ya ananetsweng ka ho hula.
Nako ya ho hlophisa kopo ya botswadi ba semolao e itshetlehile ho marangrang a kopo.
hore, maemong a tumello ya ngwana, ngwana ya amehang a ka hula tumello ka ho ngola ho Foromo 13A pela mokhomishare ofe feela ka nako efe feela pele taelo ya botswadi ba semolao e etsuwa ke lekgotla la bana; le hore, motho ya amehang a ka ba teng ha kopo ya botswadi ba semolao e hlahlojwa ntle le ha lekgotla, boitsebelong ba lona, le mo nehelana ka tumello ya ho ba teng, hobane le nahana hore boteng ba hae bo tla ba molemong wa ngwana.
Tshebeletso ke ya mahala.
Hlokomela hore tse ding tsa diforomo tse tlamehang ho tlatsuwa, di fumaneha lekgotleng la Mmaseterata.
<fn>GOV-ZA. Consularandagencyservicesinsouthafricaandabroad.2010-03-25.st.txt</fn>
Lekala le Phahameng la Ditshebeletso tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle mmoho le Dikarolo tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng tsa Baemedi ba Afrika Borwa le fana ka ditshebeletso ho baahi ba naha ya Afrika Borwa ba sebetsang, ba phela le ho etela dinaheng tsa mose.
Na ke ditshebeletso dife tseo baahi ba naha ya Afrika Borwa ba ka di lebellang ho tswa ho Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng?
Thuso ya merero ya ho ntshwa ha baahi ba naha ya Afrika Borwa dinaheng tsa mose ha ho ka ba le dintwa tsa dipolotiki, dikoduwa tsa tlhaho kapa tse bakwang ke batho.
Kgokahanyo ya ba lelapa ba leng Afrika Borwa le/kapa metswalle lebitsong la baahi ba naha ya Afrika Borwa ba leng mose tlasa maemo a tshohanyetso.
Ho fana ka thuso e sa kenyeletseng ditjhelete ya ho busetswa lapeng le tlhokomelo e hlokehang ka potlako ya bongaka le seprofeshenale.
Ho ba lehokela le bolaodi ba selehae bakeng sa ho batla le ho fumana baahi ba naha ya Afrika Borwa ba leng mose, ho sa kenyelletswe baahi ba naha ba batlwang ke batho ba butseng nyewe tsa tlolo ya molao kgahlanong le bona.
Thuso ho ba malapa bakeng sa ho nolofatsa ho fetiswa ha ditjhelete ho ya ho ditho tsa lelapa tse mathateng.
Ho fana ka ditshebeletso tsa tshehetso le dikeletso moo ho kwetetsweng batho.
Mofuta wa ketsahalo le polokeho ya bahlanka ho ka susumetsa bokgoni ba rona ba ho arabela.
Ho iteanya le ba malapa a batho ba tshwerweng kapa ba kwalletsweng mose ha ba kotjwa ke batho bao ba tshwerweng kapa ba kwalletsweng.
Ho thusa ka ho fetiswa ha ditjhelete ho ya ho batshwaruwa ba mose, ho ntse ho latelwa melao le melawana ya tshebetso ya naha e tshwereng motho ekasitana le melawana ya Banka ya Risefe ya Afrika Borwa mabapi le ho fetisetswa ha ditjhelete mose.
Ho thusa ka ho romela mangolo le meriana ho baahi ba naha ya Afrika Borwa ba kwalletsweng mose. Hona ho tla ya ka dipehelo le ditefello tse beuweng tsa Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha ka ho latela le melao le melawana ya naha e tshwereng motho. Ditefello tsena di ka ntjhafatswa nako le nako.
Ho thusa ka phano ya ditokomane tsa molao bakeng sa baqosuwa mose ka metjha ya tshebetso ya tsamaiso ya molao.
Ho thusa ka dikopo bakeng sa ho busetswa lapeng, mangolo a nang le thohako, edictal citations le bopaki ka khomishene ka tsamaiso ya molao.
Ho hokela di-apostilles le ditifikeiti tsa tumello ditokomaneng tsa mmuso tsa setjhaba.
Ho fana ka thuso eo e seng ya ditjhelete ho diphofu tsa botlokotsebe.
Ho fana ka dikeletso, tataiso le tshehetso ho batswadi ba hodisang bana kapa bahlokomedi, ka tshebedisano le ba Ofisi ya Boemedi ba Malapa ka nqeng ya ho kwetelwa ha bana ba Afrika Borwa ho ya dinaheng tsa matjhaba. Moo ho nang le bopaki ba hore bophelo le polokeho ya ngwana e kotsing, taba e tla tshwarwa jwalo ka ya tshohanyetso.
Ho fana ka lenane la maqwetha a sebaka.
Ho thusa ho fumana diphasepoto tse ding hape sebakeng sa sa tse lahlehileng, tse utswitsweng, tse senyehileng kapa tse felletsweng ke nako ha ba le mose.
Ho fana ka kadimo e nyenyane ya tshohanyetso.
Ho tsebisa ba leloko ha ho ka ba le ya hlokahalang a le mose, lefu le bolayang kapa kotsi ho baahi ba naha ya Afrika Borwa. Ho tla fanwa hape le ka thuso eo e seng ya tjhelete le dikeletso mabapi le ho kgutliswa ha setopo sa motho wa Afrika Borwa ya hlokahetseng mose.
Ho kopa bolaodi ba sebaka ho fuputsa ka ho hlokahala ha batho ho belaetsang mmoho le botlokotsebe kgahlanong le baahi ba naha ya Afrika Borwa.
Ho fana ka tataiso le dikeletso mabapi le ho adopthiwa ha bana ka ho sebedisa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Ho fana ka thuso le tataiso baemeding ba matjhabeng mabapi le baahi ba dinaha tsa bona ba leng Afrika Borwa.
Ho shebana le dikopo tsa tlhahisoleseding kapa ho leka ho romela motho ya botsang mohloding o nepahetseng.
Ke ditshebeletso dife tseo ho sa fanweng ka tsona ke Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng?
ho lokollwa tjhankaneng ho kena dipakeng tsamaisong ya dinyewe dinaheng tsa matjhaba ho fana ka dikeletso tsa semolao ho itshunya kapa ho qala tshebetso ya lekgotla la dinyewe ho kopa bolaodi ba sebaka ho fana ka tshwaro e ikgethang ho batho ba Afrika Borwa ho fuputsa botlokotsebe kapa ho hlokahala ho fumana rekoto ya botlokotsebe lebitsong la hao ditefello tsa ho tjheswa ha setopo, ho patwa kapa ho busetsa setopo Afrika Borwa ho hlokomela bana ba kwetetsweng ho qobella tumellano ya tlhokomelo ya bo-Afrika Borwa kapa ho susumetsa naha hore e etse qeto ka nyewe ya tlhokomelo ho lefella ditshupamelato tsa hotele, molao, bongaka kapa tse ding ho lefa ditshenyehelo tsa maeto ho phetha mosebetsi o etswang ke di-ejensi tsa maeto, ba difofane, dibanka, jj.
ho fumanela motho bodulo, mosebetsi kapa phemiti a ho sebetsa ho boloka dintho tsa motho ka seqo kapa ho phenyekolla bakeng sa dintho tse lahlehileng ho amohela poso ya motho ka seqo ho fana ka dipenshene le dibenefiti tse ding tsa tshireletso ya bophelo ho thusa ba nang le boahi ba naha tse pedi ka hara naha eo ya bona ya bobedi.
Iteanye le Moemedi wa Afrika Borwa kapa ba Lekala le Phahameng : Ditshebeletso tsa boemedi ba Naha Matjhabeng mane Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Pretoria. Ho tla hlokeha mokgwa o sebetsang wa boitsebiso, mme hona ho tla ya ka tshebeletso e batlwang. Ha o belaela, batlisisa pele ka mohala.
Ditshebeletso tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng di sebetsa dihora tse 24 ka letsatsi, matsatsing a supileng a beke. Mafelong a beke le ka mora dihora tsa mosebetsi, ho fanwa ka thuso ka tshebedisano mmoho le ba Phaposi ya Mesebetsi ya Lefapha mane Pretoria.
<fn>GOV-ZA. ContactUs.2010-03-25.st.txt</fn>
Re ya ho leboha ka ho kena weposaeteng ya Ditshebeletso tsa Afrika Borwa. E nngwe ya dintho tse ka sehloohong tsa Mmuso ke ho tswela pele ho ntlafatsa boemo ba tshebeletso eo re fanang ka yona. Ha o na le potso efe kapa efe, tshwaelo kapa tshisinyo ka weposaete ena, o kotjwa hore o re romele e-meile kapa o re letsetse nomorong ena ya mahala 1020.
<fn>GOV-ZA. Convertaclosecorporation.2010-03-25.st.txt</fn>
Khampani ya ba mmalwa mohlomong e hotse haholo mme hore e phatlalle, e hloka beng ba diabo ho kenya tjhelete e eketsehileng ya motheo ho CC.
Kapa, CC e ka hlodisana le dikhampani tse kgolo mme e batle ho ba khampani hore e etse ditshebetso tsa yona di tsitse le ho feta mmoho le ho emelana le tlhodisano.
Ha lebitso la CC le tla fetolwa, foromo ya CM5 e tlameha ho tlatswa.
Kenyeletsa le setatemente se tswang ho ofisiri ya ho lekola ditjhelete ya CC.
Ha ho na le diphetoho dife kapa dife tse tla etsuwa, jwalo ka setho se tswang, ho fetoha ha mafelo a selemo sa ditjhelete kapa ho thonngwa ha ofisiri e ntjha ya ho lekola ditjhelete, diforomo CK2 le CK2A e tshwanela ho romelwa pele kapa ka mora phetoho. Diforomo tsa ditokiso tsa khampani ya ba mmalwa di ka tlatswa kgokahanong ya inthanethe.
Ofisiri ya ho lekola ditjhelete le mohlahlobi wa dibuka tsa kgwebo wa CC ho ho hlokahale hore e be motho a le mong.
Ha ho se na ditokomane tse kentsweng ka ho arohaneng le ditokomane tsa khampani, ho tla nka matsatsi a mabedi ho ya ho a mahlano ho fetola CC hore e be khampani. Ha ditokomane tsa CK di ne di kentswe di arohane, ho tla nka dibeke tse tharo ho qeta tshebetso.
<fn>GOV-ZA. Convertacompany.2010-03-25.st.txt</fn>
Ditlhoko tsa bolaodi le tsamaiso ya khampani ya ba mmalwa ha di tshwarisi bothata le boima jwalo ka tsa khampani. Kahoo, ditho tse phahameng tsa phethahatso tsa khampani di ka etsa qeto ya ho fetola khampani e ngodisitsweng ho ba CC.
Ha lebitso le lona le tla fetolwa ha khampani e fetolwa ho ba CC, kopi ya foromo e amohetsweng ya CK7 e tshwanela ho nehelwa mmoho le kopo ya phetolelo.
Ntsha foromo ya kopo, ya CK7 ho beeletsa lebitso la CC ha lebitso le tla fetolwa.
Romela lengolo le tswang ho mohlahlobi wa dibuka tsa kgwebo ho ya ka dipehelo tsa Section 27 ya Close Corporation Act, 1984 , 1984. Lengolo le tshwanetse ho bolela hore ka mang mohlahlobi e motjha wa dibuka tsa kgwebo.
Nehelana ka dikopi tsa dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tsohle tsa CC.
Ho ka nka matsatsi a mane ho ya ho a mahlano ho hlophisa kopo.
<fn>GOV-ZA. CrimeStop0860010111.2010-03-25.st.txt</fn>
Crime Stop ke ditsi tse fapaneng tseo o letsetsang ho tsona tseo boikarabelo ba tsona e eleng ho bokella dintlha setjhabeng mabapi le ba etsang botlokotsebe mmoho le mesebetsi ya bona. Ditho tsa setjhaba di thuswa ke basebetsi ba ditsing tsena tseo o letsetsangho tsona ba rupelletsweng hantle haholo ditabeng tsa dipuisano tsa ho etsa dipatlisiso. Hona ho o dumella hore o tsebise ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ka mesebetsi ya bao ba etsang botlokotsebe ka tsela e bolokehileng hape e se nang tshabiso. O ka dula o sa hlahise lebitso la hao ha o batla.
Ba latelang mehlala ya batho mmoho le di-agent tse shebaneng le boitsebiso ba bao ba letsang ha ba dumellwa ho Crime Stop bakeng sa ho tiisetsa hore bao ba fanang ka lesedi ha ba tsejwe. Tlhahisoleseding eo ho fanwang ka yona e romelwa mafokising.
Di-Crime Stop Call Centre tse mmalwa hape di hokahanya bao ba tlalehang ka ho toba le bafuputsi ka conference calling. Hona ho etsa hore mofuputsi a kgone ho buisana le motho ya tlalehang taba ka ho toba.
Ela hloko: hona ho etswa feela ka tumello ya hao.
O ka tlaleha hape le ketso tsa botlokotsebe ka mokgwa wa elektroniki weposaeteng ya South African Police Service oo hape o tiisetsang le ho se tsejwe ha motho ya tlalehang, ntle le haebe ho boletswe ka mokgwa o mong.
Agent ya call centre e tla ho tataisa dipotsong mme ha tlhahisoleseding eo o faneng ka yona e ka sebediswa, o tla ho neha khoutu eo e leng ya hao o le mong.
Haebe tlhahisoleseding eo ha eso be le molemo ka nako eo, agent e tla hlalosa lebaka e be e ho eletsa hore o ka fumana jwang dintlha tse ding.
Tlhahisoleseding e sebedisehang e amahngwa le nomoro ya khoutu eo o e fuweng.
O tla kotjwa hore o letsetse mohala ho Crime Stop nomorong ena 08600 10 111 nakong eo o tla e bolellwa hore o botse hore na dintlha tseo di a sebetsa le hore na o a tshwaneleha bakeng sa moputso.
Nakong e tlang, agent e tla bua le wena ka nyewe feela haebe nomoro ya khoutu eo o faneng ka yona e nepahetse mme le boitsebiso ba hao bo tsamaelana le "profaele" e rekotong.
Agent e tla kgaola mohala ka potlako haebe a kgotsofetse hore ha o motho eo a neng a bua le yena pejana. Hona ke mohhato wa tshireletso mme o ke ke wa fetolwa.
Ha o tlaleha botlokotsebe ka mokgwa wa elektroniki, tlatsa foromo ya ho fuwa maikutlo weposaeteng ya SAPS. Ho tla hlaha nomoro ya referense hang ho ba o romele foromo.
Ha o tshwaneleha mme hape o kopile moputso, mofuputsi o tla beha moputso le tshebetso ya ho tleleima ka ho ya ka National Information 2/2001.
Ha moputso o se o lokile, ba Crime Stop ba tla iteanya le wena ho hlophisetsa ho leshwa.
Jwalo ka ha ho hlokeha ka ho ya ka maemo a amohelehileng a matjhaba a Crime Stopper, ha ho na boitsebiso ba nomoro kapa mekga e meng e latelang mehlala e dumelletsweng meahong ya Crime Stop ka ha hoo ho ka sitisana hampe haholo le dikamano tse nang le tshepo tse mabapi le tumellano ya ho se tsejiswe lebiso la motho ya tlalehileng e pakeng tsa ba SAPS le motho eo.
Crime Stop e tla neha yuniti e tshwanetseng ya dipatlisiso lesedi leo ho fanweng ka lona hore e tle e kgone ho latela taba, ka kopo ya hore e fane ka tlaleho ya ho qala dihoreng tse 24 le sephetho sa dipatlisiso ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang.
Ha o tshwaneleha mme o bile o kopile moputso, mofuputsi o tla beha moputso e be o sebetsana le tleleime ka ho ya ka NI 2/2001.
Ha moputso o se o lokile, ba Crime Stop ba tla iteanya le wena ho hlophisetsa ho leshwa.
Ha ho hlokehe hore o tlatse foromo efe kapa efe ka ha botlokotsebe bo tlalehwa ka thelefounu. Le haho le jwalo, ha o tlaleha botlokotsebe weposaeteng ya SAPS, tlatsa foromo ya elektroniki ya ho tlalehelwa hape.
<fn>GOV-ZA. Customarylawmarriages.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Manyalo a Setso e bile molao ho tloha ka la 15 Pudungwana 2000. Haebe o ne o le lenyalong la setso tlasa molao o sebetsang wa setso pele ho letsatsi lena, lenyalo la hao le elwa hloko tlasa molao ona o motjha. Ha monna a se a ena le basadi ba ka hodimo ho ya mong, manyalo ao ohle a elwa hloko tla sa molao ona o motjha. Molao ona hape o ela hloko le manyalo a setso ao ho kenweng ho ona ka mora letsatsi lena mme o bolela hore batho ba nyalang tlasa molao wa setso ba lokela ho latela molao ona hore manyalo a bona a tle a elwe hloko.
Ela hloko hore manyalo ana haesale a ntse a ananetswe tlasa molao wa setso.
Na ke lokela ho ngodisa lenyalo la ka neng?
Ha o nyetse tlasa molao wa setso pele ho la 15 Pudungwana 2000, lenyalo la hao le tla ngodiswa le Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Haebe o nyetse ka mora ho ba ho fetiswe molao ona, o lokela ho ngodisa lenyalo la hao dikgweding tse tharo ka mora lenyalo.
Manyalo ohle a setso ao ho kenweng ho ona ka mora ho ba Molao ona o kene tshebetsong ke a kopanelo ya dithoto. Hona ho bolela hore monna le mosadi ba na le shere e lekanang matlotlong, tjheleteng le thepeng mme hape ho bolela hore ba kopanetse dikoloto tsohle. Ha batho bana ba babedi ba batla hore lenyalo la bona le be ka ntle ho kopanelo ya dithoto ba lokela ho kena tumellanong e tsejwang ka ante-nuptial contract pele ba nyala. Ha ba batla ho tjhentjha ka mora ho ba ba nyale ba tla tshwanela ho etsa kopo Lekgotleng le Phahameng.
Tlasa Molao wa Manyalo a Setso mosadi o na le tokelo e lekanang le ya monna wa hae mabapi le ho etsa qeto ya hore na ho etsahala eng ka thepa ya bona. Mosadi wa setso o na le bokgoni ba ho kena tumellanong ntle le ho thuswa ke monna.
Ho etsahala eng ha monna wa ka a batla ho nyala mosadi e mong?
Monna o lokela ho kena tumellanong e ngotsweng / konterakeng e tla bolela hore ho lokela ho etsahala eng hodima thepa, mme monna e be o lokela ho etsa kopo lekgotleng hore le dumelle konteraka eo e ngotsweng. Lekgotla le lokela ho etsa bonnete ba hore diphaello tsohle tsa thepa tsa basadi bohle di sireleditswe.
Na ho etsahala eng haebe ke batla ho kena lenyalong le tlwaelehileng ka mora ho ba ka tlasa lenyalo la setso?
Ha monna wa hao a se na basadi ba bang, o ka nyalwa hape tlasa lenyalo le tlwaelehileng ekasitana le ka tlasa molao wa setso. Le ha ho le jwalo, ha ho ya mong wa lona ya ka kgonang ho kena manyalong a setso le motho ofe kapa ofe ha le nyetse tlasa molao wa tlwaelo wa manyalo.
Monna kapa mosadi a ka ngodisa lenyalo Lefapheng le haufi la Ditaba tsa Lehae. Ho eletswa hore bahatsa ka bobedi ba tsamaye mmoho ho ya ngodisa lenyalo ho etsa hore ngodiso eo e tsamaye ka potlako. Le ha ho le jwalo, ha mohatsa e mong a hana o ka ka bowena e be o tlisa bopaki bo tshwanetseng.
dinomoro tsa ID, mabitso le matsatsi a tswalo a monna le mosadi mabitso a batswadi ba monna le mosadi le lebitso la morena/marena dintlha tsa tumellano ya lobola/mahadi, le batho ba babedi ba bileng dipaki tsa lenyalo lengolo kapa afidaviti e tswang moreneng.
moofisiri ya ngodisang, kapa motho ya kgethuweng, mme a kgethuwe ho etsa mosebetsi ona ke Molaodi kakaretso ka ho ya ka melawana ena.
Moofisiri wa ngodiso kapa motho ya kgethuweng o tla fetisetsa kopo ofising e haufi ya lebatowa kapa ya setereke ya Lefapha hore e kengwe rejistareng ya baahi.
Setifikeiti sa ngodiso kapa Foromo ya C: O tla fuwa Setifikeiti sa lenyalo.
Boloka setifikeiti sebakeng se bolokehileng hobane se bohlokwa.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng ho fanw aka sona ka potlako.
Setifikeiti se felletseng se nka dibeke tse tsheletseng ho isa ho tse robedi.
Moofisir ya ngodisang o tla ho bolella ha a hana ho ngodisa lenyalo la setso le lohothwang, mme a bolele le mabaka a ho hana ha hae.
Tefello ya R11 e lokelwa ho leshwa ke bahatsa mothong ya kgethuweng mabapi le ngodiso ya lenyalo la setso le phethwang ho motho eo ya kgethuweng.
O kotjwa hore o shebe dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona Lefapheng la Ditaba tsa Lehae ho fumana ditjeo tse amehang.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. DeathofsouthAfricancitizensabroad.2010-03-25.st.txt</fn>
Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha, ka tshebedisano mmoho le baemedi ba lona ba leng mose, le fana ka thuso e hlokehang le dikeletso ho ba leloko la baahi ba naha ya Afrika Borwa ba hlokahalang ba le mose.
Na ke kgetho dife tse leng teng bakeng sa ba leloko la batho ba hlokahalang ba Afrika Borwa?
Moemedi wa Afrika Borwa o tla thusa ba leloko ho fumana dikhoutu hore ba tle ba kgone ho etsa diqeto ba na le tsebo.
Ha o sebedisa undertaker, ho bohlokwa hore o ele hloko hore ditshebeletso tsa bona di a lefellwa.
Tshebetso e fapana ka ho ya ka naha le naha, mme hona ke hona ho tla ba le tshusumetso tshebetsong. Moemedi wa Afrika Borwa kapa Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le tla fana ka tataiso.
Ha setopo se kgutliswa, ho na le dipehelo tse matla tsa ho tsamaiswa ha sona jwalo ka ha ho hlokwa ke Lefapha la Bophelo bo Botle. Ditjeo tsa ho lokiswa ha masalla a setopo le ho tsamaiswa ha sona ho etsa hore ena e be kgetho e jang tjhelete e ngata haholo.
Pele ba etsa qeto, ba leloko ba tshwanetse ho fumana dikhoutu ho tswa ho di-undertaker naheng eo ya matjhaba, ntle le haebe mofu a ne a na le inshorense. Moemedi wa Afrika Borwa a ka thusa.
Ba leloko ba ka kgetha ho tjheswa le ho kgutliswa ha molora.
Undertaker e naheng ya matjhaba e ka fana ka tshebeletso ena. Moemedi wa Afrika Borwa a ka ba teng ha setopo se tjheswa ha ba leloko ba batla hore a be paki ya mosebetsi oo mme bona ba sa kgone ho ba teng ka bobona.
Molora o tshwarwa ka tsela e tla latela setso sa sebaka sa naha eo ya matjhaba.
Ba leloko ba ka kgetha ho pata mofu naheng eo ya matjhaba.
Undertaker naheng ya matjhaba e ka fana ka tshebeletso ena. Moemedi wa Afrika Borwa a ka ba teng lepatong ha ba leloko ba batla paki ya mosebetsi ona mme bona ba sa kgona ho ba teng ka bobona.
Undertaker e tla neha ba leloko sebaka seo e leng sona moo lebitla le leng teng.
Ha ho sa kgonwe ho latela mehlala ya ba leloko kapa ha ba sa kgone ho lefella kgetho tsena tse ka hodimo, ho ka kotjwa hore motho eo a patwe jwalo ka ya sa tsejweng kapa eo ho se nang ba habo.
Bolaodi ba sebaka bo pata setopo mahala. Moemedi wa Afrika Borwa a ka ba teng lepatong leo ha ba leloko ba batla paki ya mosebetsi ona mme bona ba sa kgona ho ba teng ka bobona.
Bolaodi ba sebaka bo tla neha ba leloko sebaka sa moo lebitla le leng teng.
Mehato e lokelwang ho latelwa Iteanye le ba inshorense ya mofu haebe o ne a sireleditswe ka inshorense ya maeto. Ha ho se jwalo, kgetha e le nngwe ya kgetho tsa lepato tse hlalositsweng mona ka hodimo.
Dintlha tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le motho ka teng ho kenyelletswa le khoutu ya tikoloho.
Ha ho phemiti e hlokehang bakeng sa ho tlisa molora wa setopo se tjhesitsweng.
Dintlha tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le motho ka teng ho kenyelletswa le khoutu ya tikoloho.
Ha mabitla a le setsheng sa bafu sa poraefete, ho hlokeha lengolo la tumello ho tswa ho monga setsha seo sa bafu le dumellang ho patwa kapa ho epollwa ha setopo. Kapa tumello e tshwanetse ho tswa bolaoding bo tshwanetseng, mohlala mohlokomedi wa setsha sa bafu, Masepala wa Setereke wa Provinse ya Bophelo bo Botle.
Lengolo la tumello ho tswa ho monga setsha seo sa bafu le dumellang ho patwa kapa ho epollwa ha setopo ha lebitla le le setsheng sa bafu sa poraefete.
Dintlha tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le motho ka teng ho kenyelletswa le khoutu ya tikoloho.
Molawana wa R2438 wa la 30 Mphalane 1987, ditemana tsa 9 le 10.
Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le tla araba dipotso tsohle dihoreng tse 24.
Thuso ho tswa lefapheng kapa baemeding ba lona ba leng mose ke mahala, empa ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona ke ba amehang di a lefellwa.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
Boemedi ba Afrika Borwa bo haufinyane.
<fn>GOV-ZA. Deathregister.2010-03-25.st.txt</fn>
Setifikeiti sa ho hlokahala ke tokomane ya semmuso e fuwang ba lelapa la mofu ha ho se ho ngodisitswe ho hlokahala ha motho eo. Ha motho ya hlahang ka ntle ho naha a ka hlokahala mona Afrika Borwa, rekoto e ya faelwa e be setifikeiti se feletseng sa ho hlokahala se fuwa ba lelapa. Dikopo di ka etswa ofisng efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-132.
Ngola lengolo le nang le dintlha tsohle tsa mofu mme o le posetse ofising e haufi ya Ditaba tsa Lehae, haebe ha ho na ofisi ya Ditaba tsa Lehae sebakeng sa heno.
Ha ho na lepato le ka tswelang pele ntle le taelo ya lepato. Taelo ya lepato ke setifikeiti se fanang ka tumello ya lepato le ho tloswa ha setopo sebakeng seo motho a hlokahalletseng teng ho ya sebakeng seo lepato le tla ba teng.
moifo o dumelletsweng wa Ditaba tsa Lehae ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa tsa Afrika Borwa, kapa di-funeral undertaker tse dumelletsweng ho fana ka ditaelo tsa lepato.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng: Ho fanwa ka sona ka mora ho ngodisa ho hlokahala ha motho.
Setifikeiti se felletseng: Dikopo di ka nka nako e ka etsang dibeke tse 8 ho isa ho tse 12.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Deregistermotorvehicle.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi a ka hlakola koloi ya hae haeba koloi ha e hlole e sebetsa mmileng wa setjhaba kapa e tlalehilwe ho sa lokela ho ba mmileng wa setjhaba ruri.
Koloi e so kang e laesenswa dilemo tse nne e tla hlakolwa boingodisong. Kantoro ya sephethephethe e tla ntsha setefikeiti sa ho hlakolwa boingodisong.
Tlatsa foromo ya kopo kantorong efe kapa efe ya sephethephethe.
khopi e netefaditsweng ya Bukana ya Boitsebiso khopi e netefaditsweng ya tiisetso ya monga koloi setefikeiti sa boingodiso ba koloi.
Ho ka nka matsatsi a mabedi ho sebetsana le kopo ya hao.
Tshebeletso ke mahala.
Diforomo di fumaneha kantorong efe kapa efe ya sephethephethe kapa bolaoding ba ho hlakolwa ha makoloi.
<fn>GOV-ZA. Deregisterorliquidateaclosecorporation.2010-03-25.st.txt</fn>
CC e ka tlohela ho sebetsa mme e lakatse hore e hlakole ngodiso, kapa e fediswe. Maemo ana a ka rarahana mme a be le botegniki, mme MongodisI wa Dikhampani o tshwanetse ho nehwa tlhahisoleseding ya botsebi.
e tlohetse ho sebetsa ; kapa ditho di lakatsa ho aba diphahlo tsa CC mahareng tsa tsona.
CC e ka fediswa ka lebaka la tshebetso ya lekgotla la molao kapa ho fediswa ho ka etsahala ka boithaopo . Ha ditho tsa CC di etsa kopo ya ho fediswa ka boithaopo, tshireletso ya e a hlokwa ho Mongodisi wa Dikhampani.
Ho hlakola ngodiso ho bolela hore CC e a hlakolwa ho database mme CC eo e feletswe ke ho ba teng. Kgwebo e ka tswela pele ka mokgwa o fapaneng, mohlala, jwalo ka kgwebo ya motho a le mong, ha ho hlakola ngodiso ho phethilwe.
Setatemente se ngotsweng se rometsweng ke motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello se tshwanela ho nehelwa Mongodisi wa Dikhampani.
Ntsha foromo ya kopo, CK6.
Nehelana ka dikopi tse tiiseleditsweng tsa dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tsohle tsa CC.
Ha CC e fediswa ka boithaopo, dikopi tse pedi ya foromo ya CK6 di tlameha ho romelwa.
Ho ka nka pakeng tsa letsatsi le le leng le a mabedi ho phetha tshebetso ya ho hlakola.
<fn>GOV-ZA. Drivinginstructor.2010-03-25.st.txt</fn>
Melao ya Naha ya Sephethephethe sa Mebileng e bolela hore motho ofe kapa ofe ya batlang ho ba morutisi wa ho kganna o tlameha ho ingodisa le Lefapha la tsa Dipalangwang. Ho ba morutisi o tlameha ho kwetliswa mme o atlehe tlhahlobong e hlophisitsweng. Motho ya lakatsang ho ba morutisi wa ho kganna o tla sebetsana feela le sehlopha sa makoloi ao a fuweng laesense ya ho a kganna. Setefikeiti sa borutisi se amoheleha selemo se le seng.
Tlatsa foromo ya RI, Kopo ya ho ingodisa jwalo ka morutisi wa ho kganna.
Lefa ditjhelete tse behetsweng.
O tla romelwa seteisheneng sa mapolesa ho fumana pehelo ya kahlolo.
Setsi sa teko se tla romela kopo ya hao ho MEC bakeng sa tumello kapa kganyetso. Haeba e dumelletswe, setsi sa teko se tla fana ka phemiti.
Phemiti e ka loka dibekeng tse tsheletseng ho isa ho tse robedi.
<fn>GOV-ZA. Duplicatedocument.2010-03-25.st.txt</fn>
Kantoro ya sephethephethe e tla fana ka tokomane e hatisitsweng habedi bakeng sa koloi e jwalo ka setefikeiti sa boingodiso, setefikeiti sa ho lokela ho ba mmileng, diski ya laesense kapa tokomane e nngwe e lahlehileng, e senyehileng sebopeho le haeba dinomoro kapa dintlha ha di sa bonahala.
Iteanye le kantoro ya sephethephethe e haufinyane.
Tlatsa foromo ya kopo.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e etswang ka lona.
<fn>GOV-ZA. Electronicinterface.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e dumella motho, setheo kapa mokgatlo ho theha tshebedisano ka elektroniki le South African Revenue Service ka mekgwa e hlalositsweng ya teknoloji ya kgaso. Tshebetso e Ntjha ya Lekgetho la Kuno e radilwe ho fokotsa tshebediso ya dipampiri moo ho kgonahalang, le ho etsa hore ditshebetso tse ngata di iketsahalle kgabareng ho etsuwa bonnete ba ho tshwara balefi bohle ba lekgetho ka mokgwa o tshwanang. Ho hlahisitswe mefutafuta ya ditshebedisano tsa elektroniki.
e a fumaneha ho Inthanethe ya SARS Online mme sepheo ke ho araba bongata ba dipotso.
Ngodisa jwalo ka molekane wa tshebedisano ka ho tlatsa mme o romele foromo ya ngodiso ya tshebedisano ka elektroniki, ya nomoro INF001 ho SARS Interface Administration, P.O. Box 402, Pretoria 0001 kapa ka e-meile ho its.interfaces@sars.gov.za. Dikopo tsa katoloso ya nako ya ho romela ditlaleho tsa tshebetso tsa lekgetho la kuno di ka kotjwa ka elektroniki le ha o sa ngodisa.
khoutu ya ho hlwaya mosebedisi le password bakeng sa ho kena ho tshebetso ya faele ya SARS eo faele ya data e lokelang ho romelwa ho yona.
Fumana data encryption software le mokgwa wa ho se kenya ho SARS. Ka tlwaelo SARS o tla tlisa sesebediswa ho mokgatlo.
Romela difaele tsa data tsa tekolo, mme o hule difaele tsa karabo tsa tekolo ho SARS.
Tiisa kamohelo ya difaele tsa data tsa tekolo ho Molaodi wa SARS Interface mme o kenye tshebedisano tshebetsong ka ho fapanyetsana difaele tse sebetsang tsa data.
Hokahana le Molaodi wa SARS Interface ha ho etsahala ho be teng difaele tse senyehileng tsa data, difaele tse lahlehileng tsa data kapa difaele tse phetaphetilweng tsa data.
SARS e kentse di-Service standards a tla nka dilemo tse pedi ho kenngwa tshebetsong . Ha o ngodisa kapa o etsa tefo efe kapa efe, SARS o ikemiseditse ho hlophisa ngodiso ya hao ka mokgwa o nepahetseng nakong ya matsatsi a 10 a ho sebetsa.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. EmployerCompensationFund.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Ditlhapiso bakeng sa Dikotsi le Mafu a Hlahang Mosebetsing, wa 1993, o bolela hore boramesebetsi ba lokela ho ingodisa le Letlole la Ditlhapiso mme ba lefe tefello e kenang Letloleng leo.
Ho tloha ka Mmesa selemo le selemo, Letlole la Ditlhapiso le romela boramesebetsi dinothisi tsa tekolo tse ba bolellang hore ba lokela ho lefa bokae ya selemo se fetileng. Hona ho etsuwa selemo kaofela, me ha ho bonolo ho noha hore hantlentle boramesebetsi ba tla fumana dinothisi tsa bona neng.
Ha boramesebetsi ba sa fumane tekolo selemo kaofela, bona ba lokela ho iteanya le ba Letlole la Ditlhapiso ho fumana hore na ho na le mathata na.
Mohla oo ka ona boramesebtsi ba lokelang ho lefa o hatisitswe nothising ya tekolo. Hangata ke matsatsing a 30 a ho tloha letsatsing leo nothisi e rometsweng ka lona. Ho na le ditsela tse tharo tseo boramesebetsi ba ka lefang ka tsona.
Ha boramesebetsi ba lefa ka tjheke, ba lokela ho kenyelletsa le karolo ya remittance advice ya nothisi ya tekolo le tjheke.
Boramesebetsi hape ba lokela ho ngola le dinomoro tsa bona tsa referense ka morao tjhekeng.
Boramesebetsi ba ka lefa palo ka ho toba akhaonteng ya Letlole la Ditlhapiso lekaleng lefe kapa lefe la ABSA.
Setlankana sa depositi se nang le dintlha tsa ho banka tsa Letlole la Ditlhapiso se hokelwa nothising ya tekolo e romelwang ho boramesebetsi. Setlankana sa depositi hape se na le nomoro ya referense ya sona se le seng ya depositi e hatisitsweng ho sona. Ha boramesebetsi ba sebedisa setlankana se seng sa depositi, ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba kenyelletsa nomor e sa tlwaelehang ya referense setlankaneng seo.
Ha boramesebetsi ba lefa ka mokgwa wa ho banka o sebedisang inthanete, khoutu ya tlelaente e lokelwang ho sebediswa ke 0170151.
Nomoro ya referense ke nomoro e hatisitsweng setlankaneng sa depositiseo ba se fumanang le nothisi ya tekolo. Dintlha tsa ho banka tsa Letlole la Ditlhapiso le tsona di hatiswa setlankaneng sa depositi.
Ramosebetsi o lokela ho lefa matsatsing a 30 ho tloha mohlang oo tsebiso e rometsweng ka ona.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA. Employmentinthepublicservice.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikgeo tsa mesebetsi mafapheng a mmuso wa naha le ya diprovinse di tlatswa ka ho thaotha basebetsi ba ka hare kapa ka ho mema dikopo ho tswa ho bao ba seng Ditshebeletsong tsa Mmuso. Dikgeo tsa mesebetsi maemong a hodimo, ke hore, tshebeletsong tsa botsamaisi bo phahameng, di lokelwa ho bapatswa naheng ka bophara hore ho tle ho thaothwe ka hare le ka ntle ho Ditshebeletso tsa Mmuso.
Ka tlwaelo dikgeo tsa mesebetsi di bapatswaSekhuleng ya Dikgeo tsa Mesebetsi ya Ditshebeletso tsa Mmuso e ngolwang e be e phatlalatswa beke le beke ke ba Lefapha la Ditshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso e leng Department of Public Service and Administration . Ha tshebetso ya ho thaotha e fetisetswa le ho batho ba sa sebeletseng Mmuso, lefapha le amehang la naha kapa la provinse le tla bapatsa dikgeto tseo dikoranteng.
Sekhula ya Dikgeo tsa Mesebetsi ya Mmuso, e tsebisa basebetsi ba mmuso ka dikgeo tse leng teng Tshebeletsong ya Mmuso. Batho bao ba seng Tshebeletsong tsa Mmuso, empa ba na le kgahleho dikgeong tse hlahisitsweng, ba lokela ho batlisisa pele ho tswa lefapheng leo, hore na ba ka etsa kopo. Dintlha tsa bao ho ka iteangwang le bona ba mafapha a hlahisitseng dikgeo tsa mesebetsi di fumaneha Sekhuleng.
Mafapha a mang a jwalo ka la Sesole a ka kopa hore o etse dihlahlobo tsa bongaka pele ho ka elwa hloko kopo ya hao.
Hao batla ho tseba haholwanyane, e ya weposaeteng ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso.
Bula mme o tlatse foromo ya Z83, Kopo ya Mosebetsi ho tswa weposaeteng ya DPSA.
Hokela curriculum vitae ya hao mmoho le dikhopi tse tiiseditsweng tsa mangolo a hao a thuto.
O ka fumana lengolo le ananelang ho fumanwa ha kopo ya hao, mme hona ho tla ya ka mokgwa o sebediswang ke lefapha le amehang.
Tshebetso ya ho thaotha le ho kgetha e fapana ka ho ya ka lefapha ka leng, mme yona e ka phethwa ka nako e kgutshwane ka ho ya ka moo ho ka kgonehang.
Foromo ya kopo ke mahala.
<fn>GOV-ZA. EssentialServices.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ya bohlokwa ke tshebeletso eo, ha e ka kgaoletswa kapa ya sitiswa, e ka behang kotsing kapa ya sitisana le bophelo bo botle ba batho.
hore na mosebeletsi kapa ramosebetsi o fana ka tshebeletso e nkuweng e le tshebeletso ya bohlokwa kapa tjhe.
Motho ya romelang ngangisano komiting ya ditshebeletso tsa bohlokwa o lokela ho ba bolella hore khopi ya thomelo eo e fuwe le bohle ba bang ba amehang ngangisanong. Komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa e lokela ho hlwaya ngangisano ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang.
Ditshebeletso tsa palamenteng, Tshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le tshebeletso tsa Bophelo bo Botle ke ditshebeletso tsa bohlokwa.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Tlatsa foromo ya kopo ya LRA4.2, Thomelo ya dingangisano ho ya hlwauwa hore na ke ditshebeletso tsa bohlokwa na.
Hokela khopi ya setifikeiti sa ha jwale sa kananelo ya foromo ya kopo.
Fana ka khopi ya foromo ena ho motho e mong ya leng ngangisanong.
khopi ya setlankana se phasele e ngodisitsweng ho tswa Posong; kapa khopi ya rasiti e saennweng ha khopi e tsamaisitswe ka letsoho; kapa setatemente se saennweng ho tswa mothong ya tsamaisitseng foromo; kapa khopi ya setlankana sa tiisetso ya fekse; kapa bopaki bofe kapa bofe bo bong bo kgotsofatsang ba tshebeletso.
Ho tla ya ka ba batho ba tla phatlalatsa ditshebeletso jwalo ka ditshebeletso tsa bohlokwa.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. EssentialServicesCommittee.2010-03-25.st.txt</fn>
Ramosebetsi a ka etsa kopo ka ho ngolla komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa hore e bolele hore kgwebo kapa tshebeletso ya ramosebetsi kaofela ha yona, kapa karolo ya yona, ke tshebeletso ya tlhokomelo.
Batho bafe kapa bafe bona bang ba nang le thahasello, matsatsing a 21 ka mora ho fumana setlankana sa kopo ena, ba ka romela karabo ho ba Tshebeletso ya Bohlokwa.
Tlatsa foromo ya LRA 4.
Khopi ya setlankana se rejistarilweng ho tswa Posong.
Khopi ya setlankana se saennweng ha a fuwe yona matsohong.
Setatemente se saennweng se tiisetsang tshebeletso ke motho ya isang foromo se lokela ho tla le kopo.
Khopi ya a setlankana se tiisetsang hore fekse e tsamaile kapa bopaki bofe kapa bofe bo kgotsofatsang.
Ha ho na nako e beuweng; ho tla ya ka motho ya etsang kopo ya ditshebeletso tsa bohlokwa.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Exchangeofforeignlicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Dilaesense tsa ho kganna tse ntshitsweng dinaheng tse ding mme tsa amohelwa Afrika Borwa di tla fetolelwa sebopehong sa karete ya mokitlana sa dilaesense tsa ho kganna ha batho ba di tshwereng ba etsa kopo ya laesense ya Afrika Borwa ho ya ka Molao wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, wa selemo sa 1996.
Kopo ya ho fetola phemiti ya matjhaba ya ho kganna e lokela ho felehetswa ke laesense ya ho kganna e ntshitsweng ke bolaodi ba boditjhaba.
Laesense ya boditjhaba ya ho kganna kapa phemiti ya ho kganna ya matjhaba e fetolelwa feela laesenseng ya Afrika Borwa haeba mokopi e le moahi wa Afrika Borwa kapa o fumane bodulo ba ruri.
Laesense ya boditjhaba ya ho kganna e tlameha ho amoheleha ka letsatsi la phetolo mme e lokela ho ngolwa ka e nngwe ya dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa. Haeba sena ha se etsahale, kopo e tlameha ho felehetswa ke phetolelo e ntshitsweng ke bolaodi bo nang le tsebo.
Laesense ya boditjhaba e tla fela ha motho ya tshwereng laesense a qala ho dulela ruri kapa a fumana tumello ya ho dulela ruri mona Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya phetolo ya laesense ya ho kganna setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
boitsebiso bo amohelehang jwalo ka ha ketsamolao ya Afrika Borwa e hloka , ID ya nakwana, phasepoto e amohelehang ya Afrika Borwa, kapa phasepoto ya baditjhaba e nang le phemiti ya ho dulela ruri lengolo le tswang ho bolaodi bo nang le tsebo le tiisang ho amoheleha ha laesense ya hao ya ho kganna ya boditjhaba. Hape, lengolo le lokela ho hlalosa sehlopha sa laesense laesense ya ho kganna ya boditjhaba dinepe tsa ID tse nne tsa mmala o motsho le o mosweu.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Teko ya mahlo e tla etswa setsing pele phetolo e phethelwa.
Ela hloko: O ke ke wa etsa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna. Laesense ya ho kganna ya nakwana e amohelehile dikgwedi tse tsheletseng mme e ntshwa hanghang, ntle le tefo.
Nako ya ho fetolela laesense e fapana ho ya ka setsi se seng le se seng ka baka la ditshebetso tsa ka hare tsa tlhahlobo ya ditjhelete semmuso.
<fn>GOV-ZA. Exchangeprogrammepermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya phapanyetsano e ka fuwa motswa-ntle ya nang le seabo lenaneong la setso, moruo kapa phapanyetsano ya phedisano, e hlophisitsweng kapa e tsamaiswang ke mokga wa mmuso wa ka ntle ho naha kapa wa ka hara naha, kapa setheo sa thuto e phahameng sa mmuso ka tshebedisano le mokga wa mmuso wa ka ntle ho naha. Etsa kopo ya phemiti ya phapanyetsano embasing kapa misheneng o haufi le wena wa Afrika Borwa.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738.
Romela phasepoto ya hao e sebetsang mmoho le kopo.
Hlahisa lengolo le tswang mokgeng, mokgatlong kapa lelapeng leo o batlang ho ya tsamaisa lenaneo la hao mona Afrika Borwa, le tiisetsang boemo kapa ho ba teng ha lenaneo la phapanyetsano. Lengolo le lokela ho hlahisa bopaki ba hore o a tshwaneleha ho ngodisa kapa ho ba le seabo lenaneong mme hape le bolele le hore mokga, mokgatlo kapa lelapa le tla ba le boikarabelo ba hao ka nako eo o leng mona Afrika Borwa.
Fumana lengolo ho tswa mokgeng o tshwanetseng wa mmuso kapa mokgeng o tshehetsang o leng naheng ya heno, le tiisetsang boemo kapa ho ba teng ha lenaneo la phapanyetsano le Afrika Borwa, ekasitana le ntlha ya hore o ananetswe hore o ingodise lenaneong.
Dikopo di nka boholo ba matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Exportcertificateforliquor.2010-03-25.st.txt</fn>
Ba ka bang baromelli ka ntle ba tshwanela ho ya ho website: www.wineonline.co.za, moo ba tlang ho fumana lenaneo le thehilweng ho inthanete la tshebetso yohle ya ho romella ka ntle. Baromelli ka ntle ba tshwanela ho ngodisa pele ba ka sebedisa lenaneo.
O tla nehwa lebitso la ho kena le password hore o sebedise lenaneo.
Etsa dikopo tsohle ka kgokahano ya inthanete.
Romela kopo e arohileng bakeng sa sehlahiswa se seng le se seng sa jwala se sa tshwaneng le dihlahiswa tse ding tsa jwala ka moromelli, sebopeho, leibole kapa nomoro ya pokello ya dihlahiswa.
Jwala bo romelwang bo tshwanela ho bolokwa ka thoko ho jwala bo bong. Sampole ya bonyane ba 2,25 ya dilithara e tshwanela ho ntshuwa ho thomelo bakeng sa ho utlwa tatso. Disampole di tshwanela ho finyella dikantorong tsa Liquor Products pele ho hora ya 16:00 ka Labobedi bakeng sa ho latswa ka Labone le pele ho hora ya 16:00 ka Labone bakeng sa ho latswa ka Labobedi.
Ha o laesha ho setshelo sa thoto a ngata, o tshwanela ho ntsha sampole ya taolo ya ho setshelo se seng le se seng. Ha mohlahlobi a le siyo meahong nakong eo o laeshang, wena, moromelli, ke boikarabelo ba hao ho ntsha le ho romela disampole tsa taolo ho Division Liquor Products Stellenbosch.
Phatlalatsa ho laesha ho karolo nakong ya dihora tse 48.
Jwalo ka basebedisi, baromelli ka ntle kapa baemedi ba bona ba amohetsweng jwalo ka diakgente tsa ho romela thepa, ba ka hatisa lengolo la bopaki ba thomello ka ntle ka bobona ho tswa ho website kapa ba a lata ho Division Liquor Product Stellenbosch.
Ho hlahlojwa ha dithomelo tsa thomello ka ntle ka mora dihora tsa mosebetsi: R520 ka hora kapa karolo ya yona.
Etsa kopo ka tsela ya khomputara.
<fn>GOV-ZA. Exportembryos.2010-03-25.st.txt</fn>
Tumello ya ho romela kantle ho naha e tswang ho Registrar of Animal Improvement e a hlokahala pele o ka romela kantle ho naha diphoofolo kapa dintho tsa lefutso tse kang di-embriyo, di-ova kapa lero la botona ho tswa Afrika Borwa. Mokgatlo wa batswadisi o tshwanelehang kapa bolaodi bo ngodisang o tlameha ho kgothaletsa ho romela kantle ho naha.
Kopo e tlameha ho nehelwa ho Mongodisi nakong ya matsatsi a 30 pele ho thomelo kantle ho naha.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
Hokela mananeo a bontshang tlhahisoleseding ka bafani ba di-embryo, di-ova kapa lero la botona kapa diphoofolo tse tla ba ditswantle jwalo ka karolong ya C ya foromo ya kopo.
Romela dikopo ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi kapa bolaodi bo ngodisang bakeng sa kgothaletso.
Kopo e tla amohelwa nakong ya matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Exportmarketing.2010-03-25.st.txt</fn>
Fana ka karolwana ya ditlhapiso ho di-exporters bakeng sa ditjeo tse itseng ka nako ya mesebetsi eo sepheo sa yona e leng ho ntshetsa pele mebaraka ya ho romela thepa ka ntle, e leng ya dihlahiswa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa, le thaotha ka ho toba dipeeletso tsa dinaheng tsa matjhaba ho tla Afrika Borwa.
EIMA e neha di-exporters thuso ya ditjhelete ho pepesa dihlahiswa le ditshebeletso tsa bona matjhabeng le tshebetsong ya bona ya ho bapisa bakeng sa ho fumana diyantle le dipeeletso tse tobileng ho tswa dinaheng tse ka ntle. Hape e thusa le ka lekanya ditjeo tsa mebaraka ya di-exporters.
Bahlahising ba dihlahiswa tsa Afrika Borwa, ho kenyelletswa le dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng , batho ba neng ba tingwa menyetla nakong e fetileng le beng ba dikgwebo tse ding.
Dikgwebo tsa ditshebeletso ka mokgwa wa diprojeke, ka ho ya ka tiisetso ho tswa ho Khanseleng ya Diyantle kapa TISA Sector Desk hore projeke ya tshebeletso e itseng e tla fana ka molemo mokgeng mme e eketse le boleng.
Dibaka tsa kgwebo ya diyantle tsa Afrika Borwa.
Di-agente tsa khomishene tsa Afrika Borwa tse emetseng bonyane di-SMME tse tharo kapa di-PDI tsa kgwebo.
Tshebeletso ka nngwe ya EMIA e na le bukana ya yona ya ditataiso, e nang le tlhahisoleseding e mabapi le mekgwa, dinako le melemo e amanang le dintho tse fapaneng tseo ho fanwang ka tsona.
Diforomo tsa kopo le dibukana tsa tsona tsa tataiso di lokelwa ho balwa mmoho. Kopo e tla atleha feela ha e na le referense ya ditlhoko tse beuweng "Dibukaneng tsa Ditataiso".
Bala ditokomane tsena ka hloko hore o tsebe melawana le mekgwatshebetso hantle.
Ho fanwe ka lenane le felletseng la ditokomane tse lokelwang ho romelwa le kopo. Bukana ya ditataiso le yona e tla bontsha hore ke ditokomane dife tse ding tse hlokehang.
Dikgwebo di ka romela boholo ba dikopo tse tsheletseng ka selemo, mme hona ho na le pehelo ya dikopo tse nne bakeng sa sekimi ka seng. Melawana efe kapa efe eo ho ka kgelohwang ho yona e tla hloka ho tjhaelwa monwana ke Motsamaisi e Moholo wa EMIA.
Dikopo tse tlatsitsweng ka nepo di lokela ho romelwa nakong eo e boletsweng ya tshebeletso ka nngwe ya EMIA.
Dikopo tse salletseng morao kapa tse sa tlatswang ka botlalo di ke ke tsa elwa hloko.
EMIA e tla ho romela lengolo la hore ba amohetse kopo ya hao dihoreng tse 48 ka mora hoba ba e fumane. Lengolo lena le lokelwa ho kenyelletswa mangolong ohle a hao a nakong e tlang a yang ho EMIA.
EMIA e tla ho tsebisa hore na kopo e ananetswe kapa e hanetswe dihoreng tse 48 ka mora ho ba ho etswe qeto ya makgaola kgang.
Dikopo di ke ke tsa ananelwa feela ka molomo. O lokela ho etsa bonnete ba hore o fumana kananelo e ngotsweng fatshe pele o tsamaya.
Khopi ya tsebiso ya kananelo e lokela ho tsamaya le mangolo ohle a nakong e tlang le/kapa ditokomane tse ding tse rometsweng ho EMIA. Ha EMIA e fumana mangolo a mang kapa ditokomane tse sa kenyelletseng tsebiso ya kananelo, EMIA e ke ke ya ba le boikarabelo ba ditokomane tsena ha di ka lahleha kapa tsa behwa moo ho sa tsejweng. Ha ditokomane tsena di ka lahleha hoo ho ka sitisana kapa ha diehisa tshebetso ya tsamaiso.
Hang ho ba kopo ya thuso e ananelwe, foromo ya tleleime ya EMIA, ditokomane tsohle tse tshehetsang mmoho le letoto le tshwanetseng la dipotso di lokelwa ho tlatswa mme di romelwe ho EMIA, dikgweding tse tharo ho tloha mohlang di kgutlisitsweng ka ona ho tswa sebakeng sa kananelo ya kgwebo.
Haebe dintho kapa ditokomane tse mabapi le tleleime di sa saletse morao ka mora kgwedi tse tharo, tleleime e tla hanyetswa.
EMIA e tla ho tsebisa ka kananelo ya bona matsatsing a 20 a mosebetsi ka mora ho ba tleleime e romelwe ho EMIA.
Maemo a tshebeletso a fapana ka ho ya ka tshebeletso ka nngwe.
Tshebeletso ena ke mahala.
Dikhampani kapa kgwebo tsa motho ya mong di lokela ho fana ka clearance certificate sa lekgetho se sebetsang hore di une molemo ho tswa sekiming. Ka hoo, lekgetho la hao le lokela ho ba maemong a lokileng.
O kotjwa hore o shebe weposaete ya . Tshebeletso ka nngwe e na le foromo ya yona ya kopo le ditataiso. Diforomo tsa ho tleleima hape di a fumaneha bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng.
<fn>GOV-ZA. Exportpermits.2010-03-25.st.txt</fn>
Tumello ya ho romella kantle ho naha e hlokwa ho etsa bonnete ba hore motho kapa mokgatlo o ikemiseditseng ho romella kantle o kgotsofatsa ditotobatso tsa ho romella kantle mmoho le ho kgotsofatsa dipehelo tsa ditumellano tsa matjhaba. Ditumello tsa ho romella kantle hape di thusa ho laola ho tswa ha diphahlo tsa mofuta o hlokolotsi kapa diphahlo tse tsamaiswang ka lenyele le tse utswitsweng.
Leano le sebetsang ho ditswantle le diphahlo tse romelwang kantle le fapane ho tloha karolong e nngwe ya indasteri ho ya ho e nngwe. Hape, bongata ba diphahlo tse ntjha di na le tesello ho mehato ya taolo ya ditswantle. Kahoo, ha o hloka tlhahisoleseding ka leano mabapi le setswantle le diphahlo tse kgethehileng tse romelwang kantle, thusa nehelana ka kopo ho ofisi ya Import and Export Control Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.
Ha se diphahlo tsohle kapa dihlahiswa tse tlasa mehato ya taolo ya ditswantle le/ kapa diphahlo tse romelwang kantle. Leha ho le jwalo, diphahlo tsohle, diphahlo tse seng ntjha, dintho tse sa hlokweng le masalla di tlasa mehato ya taolo ya ditswantle. Lenaneo la diphahlo tse tlasa mehato ya taolo ya ditswantle le tse romelwang kantle le a fumaneha.
Ha o nehelana ka dintlha tsa hao tsa dikgokahano, lenaneo lena le ka romelwa ho wena ka poso, ka fekse kapa ka e-meile.
Hokahana le Lefapha la Kgwebo le Indasteri le Taolo ya Indasteri ya Ditswantle le Diphahlo tse Romelwang Kantle.
Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya tumello ya ho romela kantle.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Exportplantsandplantproducts.2010-03-25.st.txt</fn>
Baromelli ka ntle ba dimela le dihlahiswa tsa dimela ba tlameha ho fumana matla a phytosanitary ka mokgwa wa tumello ya setswantle e nehelwang ke Lekgotla la Naha la Tshireletso ya Dimela la naha e amohelang setswantle le lengolo la bopaki la phytosanitary le tswang ho NPPO ya Afrika Borwa.
Fumana ho moreki wa setswantle kapa akgente ho naha ya setswantle hore maemo a phytosanitary a setswantle a naha e amohelang setswantle a kenyeletsa eng. NPPO ya Afrika Borwa le yona e ka nehelana ka tlhahisoleseding.
Akgente kapa moreki wa setswantle naheng e amohelang setswantle o tlameha ho etsa kopo ya matla a tshwanang le tumello ya setswantle ho NPPO ya naha e amohelang setswantle. Maemo a setswantle a hlomamisitswe tumellong ya setswantle.
Ka tshebedisano le NPPO ya Afrika Borwa, hlomamisa hore na o a tsamaelana kapa tjhee le maemo a setswantle a naha e amohelang setswantle.
Ha o kgona ho tsamaelana le maemo a setswantle, moromelli ka ntle a ka etsa kopo ya lengolo la bopaki la phytosanitary ho NPPO ya Afrika Borwa.
Moromelli ka ntle o tlameha ho nehelana ka thepa e tla romelwa ka ntle ho NPPO ya Afrika Borwa bakeng sa ho e hlahloba le ho nehelana ka lengolo la bopaki.
NPPO ya Afrika Borwa e nehelana ka lengolo la bopaki la phytosanitary ha thepa e tsamaelana le ditlhoko tsa ditswantle tsa naha e amohelang ditswantle.
Thepa e tlameha ho romelwa ka ntle nakong ya matsatsi a 14 a tlhahlobo ya ho qetela.
Lengolo la bopaki la sethatho la phytosanitary le tshwanela ho tsamaya le thepa.
Ha dimela kapa dihlahiswa tsa dimela di fihla ledibohong la ho kena naheng e amohelang setswantle, bahlahlobi ba NPPO ba naha e amohelang ditswantle ba tla di tshwara ho lokisetsa tekolo le tlhahlobo ya tsona.
Akgente kapa moreki wa ditswantle o tshwanela ho hlakisa ditokomane tsohle le diofisiri tsa tlhakiso tsa naha e amohelang ditswantle ledibohong la ho kena.
<fn>GOV-ZA. Fingerprintsclearance.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e fuwa batho ba hlokang tiisetso ya boemo ba bona mabapi le molao bakeng sa merero ya bofalli kapa bakeng sa ho ya sebetsa mose nako e telele.
Ho tla fanwa ka setifikeiti se bolelang hore na ho na le ditlolo tsa molao tse entsweng ke mokopi na.
Le ha ho nkuwa ha dikgatiso tsa menwana ho etswa diteisheneng tsa mapolesa tsa dibaka, hlophollo ya tsona mmoho le setifikeiti se ntshwang bakeng sa tsona di etswa ke ba SAPS Criminal Record Centre mane Pretoria feela.
Ho tla fanwa ka sete e felletseng ya kgatiso tsa menwana ya hao, e nkuweng seteisheenng se haufi le wena sa mapolesa, e nehwe ba SAPS Criminal Record Centre. Etsa bonnete ba hore mabitso a hao ka botlalo, sefane, letsatsi la tswalo, sebaka sa tswalo le nomoro ya boitsebiso di ngolwa fatshe foromong ya kgatiso tsa menwana.
E ya le tokomane ya hao ya boitsebiso seteisheneng sa mapolesa hobane ho tla batleha bopaki ba boitsebiso.
Re kopa hore o ele hloko hore tse ding tsa diteishene tsa mapolesa di ka amohela dikopo tsena ka nako ya mosebetsi feela.
Baahi ba Afrika Borwa ba dulang ka ntle ho naha ba ka etsa kopo seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa naheng eo kapa ho Embasi ya Afrika Borwa. Ho ka nkuwa kgatiso tsa menwana diforomong tsa semmuso tsa kgatiso tsa menwana tsa naha eo e amaheng. Foromo ya kgatiso tsa menwana e lokelwa ho saenwa ke motho ya nkang kgatiso tsa menwana. Sete e felletseng ya kgatiso ya menwana le khopi ya tokomane ya boitsebiso ya mokopi kapa phasepoto e lokela ho tsamaya le kopo.
Clearance certificate ya mapolesa ho ka boelwa ho fanwa ka yona hape kgetlong le leng mahala ha e ka kotjwa dikgweding tse tsheletseng tsa kopo ya mantlha. E re ka ha ditifikeiti di bolokwa rekotong dikgwedi tse robong feela, ho tshwanetswe hore ho romelwe kopo e ntjha ka mora ho ba ho fete dikgwedi tse robong.
Ho ka fanwa ka setifikeiti matsatsing a 28 a mosebetsi. Ditifikeiti tse hlokwang di ka romelwa ho mokopi ka poso e tlwaelehileng, ntle le ha ho na le ditlhophiso tse entsweng tsa ho lata ditokomane ka seqo kapa ka tshebeletso ya courier service ho tswa ho ba Criminal Record Centre.
Ho fuwa hape dikgweding tse tsheletseng ke mahala.
Diforomo tse tshwanetseng tsa kgatiso tsa menwana di tlatswa ke lepolesa.
<fn>GOV-ZA. Firearmlicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Pele o ka ba le sethunya, o lokela ho fumana laesense ya sethunya ho tswa ho ba tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa . O hloka laesense bakeng sa sethunya sefe kapa sefe seo o nang le sona.
Batho ba tla ba beng ba dithunya ba lokela hore ba fete pele tekong ya thupelo e beuweng institjhusheneng e ananetsweng ya thupelo mme ba fumane setifikeiti sa bokgoni sa thupelo. Lenane la di-institjhushene tse ananetsweng tsa thupelo le fumanwa weposaeteng ya SAPS kapa o ka letsetsa ba SAPS National Firearms Call Centre nomorong ena ya mohala: +27 12 353 6111 kapa fekse: +27 12 353 6036 bakeng sa tlhahisoleseding.
O lokela ho phetha ka katleho teko e beuweng ho bontsha tsebo ya hao ya Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000, ho moabi ya ananetsweng wa thupelo.
Ha o fumana setifikeiti sa thupelo ho tswa ho moabi ya ananetsweng wa thupelo kapa SASSETA , etsa kopo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa bakeng sa setifikeiti sa bokgoni. Tlatsa diforomo tsa SAPS 517.
Ka mora ho ba o fumane Setifikeiti sa Bokgoni, tlatsa dikarolo tse tshwanetseng tsa foromo ya SAPS 271 . Romela foromo Mohlanka ya Kgethuweng wa Dithunya e leng Designated Firearms Officer seteisheneng sa mapolesa se haufi le moo o dulang.
setifikeiti sa matlha sa Bokgoni lengolo la ho kgethwa ho ba motho ya seng a na le boikarabelo ba sona, haebe sethunya seo o se fumane e le lefa dinepe tse pedi tse hlakileng tsa boholo ba dinepe tsa phasepoto mme e le tsa mmala, tse nkuweng nakong e ka tlase ho dikgwedi tse tharo.
Hlahisa mabaka a kopo ya hao ka botlalo mme o romele ditokomane tse tla tshehetsa kopo ya hao.
DFO o tla nka dikgatiso tsa menwana ya hao yohle foromong ya SAPS 91.
DFO o tla ho neha setlankana mme a ho laele hore o ye Ofising ya Ditjhelete seteisheneng sa maponesa ho ya lefa tjhelete e beuweng. Tefello e lokelwa ho etswa ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng ke banka. O tla nehwa setlankana sa ditshenyehelo jwalo ka bopaki ba tefello, seo o lokelang ho se isa ho DFO ho etsa hore a kgone ho tswela pele ka ho sebetsana le kopo ya hao.
O tla fumana setlankana se saennweng sa kananelo jwalo ka bopaki ba hore o rometse kopo ya laesense ya ho ba le sethunya.
DFO o tla romela foromo ya kopo, mmoho le ditokomane tse tshehetsang, ho Central Firearms Register ho ya elwa hloko. Ka mora ho ba kopo ya hao e elwe hloko ka katleho, DFO o tla ho bolella hore o fumane mme o be o kenye seife ya sethunya e fihlelang maemo a beuweng a South African Bureau of Standards matsatsing a 14. DFO o tla tla ho tla lekola sebaka seo o dulang ho sona ho bona hore na o fihlela ditlhoko tsa seife. Ka mora ho fumana Raporoto ya Tekolo ya Seife, o tla romelwa laesense ya hao.
<fn>GOV-ZA. Firearmlicencerenewal.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000, ke ho etsa bonnete ba hore motho o ba le bokgoni ba ho tshwara kapa ho ba le sethunya.
O lokela ho phetha ka katleho teko e beuweng ho bontsha tsebo ya hao ya Molao ho moabi ya ananetsweng wa thupelo. Ha o qeta ho fumana setifikeiti sa thupelo ho tswa ho moabi ya ananetsweng wa thupelo kapa ba SASSETA , etsa kopo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa bakeng sa setifikeiti sa bokgoni.
Ka yona nako eo o ka nna wa etsa le kopo ya ntjhafatso ya laesense kapa dilaesense tse fapaneng tseo o nang le tsona tsa dithunya.
<fn>GOV-ZA. Fireprotectionassociations.2010-03-25.st.txt</fn>
Mekgatlo yohle ya Tshireletso ya mollo e lokela ho ngodiswa le Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Bakopi ba ratang ho ngodisa ba ka kotjwa hore ba dumellane le dipehelo tse ding tse itseng pele kapa ka mora ngodiso. Hona hape ho kenyelletsa dipehelo di hlahisitsweng phetolong ya molaotheo wa Mokgatlo.
Ke Mokgatlo o le mong feela wa Tshireletso ya Mollo o ka ngodiswang sebakeng se itseng.
Fumana foromo ya 1: Kopo ya ngodiso ya mokgatlo wa tshireletso ya mollo ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Tlatsa foromo mme o e romele ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Kopo ya hao e tla lekolwa mme ha e ananetswe, lefapha le tla ho tsebisa hore o tlatse Foromo ya 2: Kopo ya ngodiso ya mokgatlo wa tshireletso ya mollo.
Tlatsa foromo mme o e romele Foromo ya 2 ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Kopo ya hao e tla boela e lekolwa hape mme ha e ananetswe, lefapha le tla fana ka setifikeiti sa ngodiso.
dintlha tsa mokgatlo o batlang ho sireletsa mollo dintlha tsa motho ya qadileng ngodiso ya mokgatlo o batlang ho sireletsa mollo phatlalatso ya hore ha ho na setho sa mokgatlo se ya ileng sa qhellwa thoko ka boomo dikopanong kapa ditherisanong tse mabapi le ho hlongwa ha mokgatlo wa ho sireletsa mollo dintlha tse mabapi le sebaka sa taolo seo mokgatlo o batlang ho sireletsa mollo ho sona phatlalatso ya hore ha ho na mokgatlo o mong hape o batlang kapa o seng o ntse o le teng sebakeng wa ho sireletsa mollo phatlalatso ka motho ya qalang mosebetsi wa ho hloma mokgatlo wa ho sireletsa mollo dikgothaletso ka moemedi ya tshwanetseng wa mmuso wa selehae dikgothaletso ka moemedi wa lebatowa wa lefapha la ditaba tsa metsi le meru phatlalatso ka molaodi e moholo wa lebatowa wa Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Ha ho a tshwanela ho nka matsatsi a ho sebetsa a ka hodimo ho a 30 ho lekola kopo le ho ngodisa mokgatlo ha ho fanwe ka dintlha tsohle tse hlokehang.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. ForfishVessel.2010-03-25.st.txt</fn>
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa dinaheng tsa ka ntle ke sekepe sa moahi eo e seng wa naha ya Afrika Borwa, ke hore ke moditjhaba ya ngodisitsweng tlasa Folakga ya Naha e nngwe eo e seng Rephaboliki ya Afrika Borwa . Ke feela tlasa mabaka a ikgethang moo sekepe sena se ka ngodiswang semmuso kapa sa dumellwa ke South African Right Holder ho phetha mesebetsi ya ho tshwasa ditlhapi ka hara kgaolo e dumelletsweng ya Exclusive Economic Zone kapa metsi a matjhaba tlasa folakga ya Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Ha ho na sekepe sa dinaheng tsa ka ntle se ka fuwang laesense ya ho tshwasa ditlhapi ya Afrika Borwa ntle le ha se tshwasa ka kopanelo le Motho wa Afrika Borwa ya Nang le Ditokelo tsa ho etsa jwalo . Pele ho ka etswa mosebetsi wa ho tshwasa, ho tshwanetswe hore ho iteangwe le ba Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho ho bona hore na ngodiso semmuso ya sekepe seo sa matjhabeng ho tla dumellwa mokgeng o itseng wa ho tshwasa, le teng ke ditokomane dife tse hlokehang bakeng sa ho ananela kopo e jwalo.
Haebe hantlentle ho tshehetswa tshebediso ya sekepe sa matjhabeng moo mokopi o lokela ho fumana foromo ya kopo ya laesense ya sekepe sa matjhabeng ho tswa ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
Tlatsa foromo ya kopo mme o e romele ofising a haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
lebitso la sekepe sa ho tshwasa ditlhapi lebitso le dintlha tsa monga sekepe matla a tshebetso a sekepe botelele ba sekepe nomoro ya ngodiso ya sekepe folakga ya Naha eo sekepe se ngodisitsweng ho yona ha jwale.
setifikeiti sa polokeho ho tswa Naheng eo.
Kopong ya hao, bolela mokga oo sekepe se tla tshwasa ho ona le nako eo se tla ba moo ka yona.
sekepe se dumelletswe ho tshwasa metsing a Afrika Borwa sekepe ha se eso kene mosebetsing ofe kapa ofe o Seng Molaong, o Sa Laolweng hape o Sa Tlalehweng wa ho tshwasa bolaodi ba Botshwasi ba Ditlhapi ba Afrika Borwa bo tla ba le boikarabelo ba ho tsamaisa sekepe bolaodi ba Botshwasi ba Ditlhapi ba Afrika Borwa bo tla nka boikarabelo ba ho tlaleha palo ya ditlhapi tse tshwerweng ho Regional Fisheries Management Organisations ha ho hlokeha ka ho ya ka RFMOs dipalopalo tsohle tsa ditlhapi tse tshwerweng, e ka ba ka hara kgaolo ya EEZ ya Afrika Borwa kapa Mawatleng a Phahameng, di tla bokellwa Afrika Borwa bakeng sa nako ya tumellano ya ngodiso ya semmuso sekepe sa matjhabeng se tla tshwasa tlasa melawana le dipehelo tsa phemiti tsa Afrika Borwa.
Ha sekepe e se sekepe se kgethuweng ka ho ya ka tshebetso ya kabo ya ditokelo moo mokopi o tshwanetse ho tlatsa foromo ya kopo ya ho transferwa ha sekepeBakeng sa hore sekepe se dumellwe ho tshwasa mokopi o tla tshwanela ho tlatsa foromo ya kopo ya phemiti ya ho tshwara ka ho ya ka mokga oo sekepe se tla tshwasa ho ona.
Qetellong, ha mokopi hape a lebelletse hore sekepe se tla tshwasa hape le Mawatleng a Phahameng ka nako ya tumellano, moo ho tla batleha hore ho tlatswe foromo ya kopo ya Mawatle a Phahameng.
Kopo ya ho sebedisa sekepe sa matjhabeng e ka nka matsatsi a 14 a mosebetsi, mme ho tla ya ka hore na dikopo di entswe ka nepo.
<fn>GOV-ZA. Framework_sesotho.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho ya ka mehopolo e mengata, puo ya motho ke karolo ya botho ba hae, ke lruo la tlhaho la motho e mong le e mong eo re e sebedisang ho hlahisa ditabatabelo le mehopolo ya rona, ho hlahisa maikutlo le makgabane a rona, ho sebedisa bophelo boo re bo phetseng le meetlo, le ho haha setjhaba sa rona le melao e re busang. Ke ka puo re tsebang ho sebetsa re le batho lefatsheng le fetofetohang. Tokelo ya ho sebedisa dipuo tsa semmuso tseo re ikgathelang tsona jwale e se e amohetswe Biling ya rona ya Ditokelo, mme Molao wa rona wa Motheo o dumela hore dipuo tsa batho ke mohlodi oo re tlamehang ho o boloka.
Ke ikutlwa ke le motlotlo haholo, ka mora hore ho be le dipuisano tse phethahetseng ebe qetellong re boemong ba ho phatlalatsa moralo wa leano la puo le tla sebediswa ke Afrika Borwa. Jwale re fihlile qetellong ya mosebetsi o neng o qalwe ka 1995 ha ke ne ke thonya Sehlopha sa Tshebetso sa Moralo wa Puo (STMP) ho nkeletsa ka moralo wa leano la puo o phethahetseng. Mohato ona e bile wa bohlokwa ho ya ka ho se kgathalle ho amohela dipuo tse fapaneng le ho ba teng ha puo ya hore "tshebediso ya dipuo tse nagata e baka mathata a ditshenyehelo tsa ditjhelete" e utlwahalang setjhabeng, le ho tota ha ho sola ha dibui tse batlang hore ho sebediswe puo e le nngwe feela Afrika Borwa.
Moralo wa Naha wa Leano la Puo o thehilwe hodima ditaba tse tla fihlellwa ka ditherisano tsa rona, ka STMP ha mmoho le ka boiteko ba Lefapha la ka le ka tshebedisano le Moifo wa Boeletsi ka Leanong la Puo. Moralo wa leano ke wa motheo wa taolo ya mehlodi ya rona ya puo le katleho ya sepheo sa mmuso ho ntshetsa pele demokrasi, toka, tekano le kopano ya setjhaba. Ke ka maikutlo ana ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa semmuso tse 11 tsa naha ya rona, e leng tsa bohlokwa leanong.
Moralo ona wa Leano le ona o hlokometse hore bohlokwa ba dipuo tsa rona bo tataiswe haholo ke moruo wa tsona, phedisano le tshebediso ya dipolotiki. Ha puo e lahlehelwa ke bohlokwa ba yona mafapheng a maemo a yona, ebe a tla fela. Moralo wa leano o hlokometse hore re shebane le tshebedisano lefatsheng le hore dipuo tsa rona tsa naha di tlameha ho ba karolo ya tikoloho e holang. Ke ka hoo moralo ona o batla ho tiisa maemo le tshebediso ya dipuo tsa setjhaba Afrika Borwa.
Ke tshepa hore baahi ba Afrika Borwa bohle ba tla amohela Moralo ona wa Leano la Puo wa Naha e le wa bona. Ke dumela hore ha re sebetsa mmoho re tlameha ho hlokomela hoer leano le phethahale bophelong ba rona, re le amohele, ebile le re etse hore re be motlotlo ka boAfrika Borwa ba rona bo ikgethang.
Ke dipuo tse ka bang 25 tse buuwang Afrika Borwa, tse 11 tsa tsona di fuwe maemo a ho ba tsa semmuso ho latela Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo, Molao wa 1996 (Molao wa 108 wa 1996), hobane tshebediso ya tsona e kenyelletsa 98% ya baahi bohle ba naha.
Afrika Borwa ke naha e sebedisang dipuo tse ngata. Ntlha e hohelang maikutlo ka ho fetisisa ka dipuo tse ngatangata tsena tsa Afrika Borwa ke hore bongata ba dipuo tsa matswallwa di buuwa ho tshela le meedi, di arolelanwa ke batho ba diporovense tse fapaneng.
Ha jwale ho na le ntlha e hlokometsweng haholo ya tlhokeho ya ho tiisa diteko tsa ho ntshetsa pele dipuo tsa matswallwa tse neng di tinngwe menyetla ho di kgothalletsa boemo ba puo tse ngata ha eba e le hore baahi ba Afrika Borwa ba tlameha ho lokollwa ho itshetleheng ho sa hlokeheng tshebedisong ya dipuo tseo e seng tsa matswalla jwalo ka tse phahametseng tse ding, tsa semmuso.
Ho fihlela jwale tsamaiso ya phapang dipuong Afrika Borweng e se nang kgethollo e sitisitswe ke ho se be teng ha leano la puo le hlakisitsweng hantle, ho lebisitseng ho sebedisweng ha Senyesemane le Seburu e le tse phahametseng tse ding moruong wa setjhaba le dipolotiking tsa setjhaba sa rona.
Ka mora dilemo tse robedi tsa demokerasi, Afrika Borwa e fihlelletse maemo a bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya baahi ba Afrika Borwa moo ba lokelang ho ba le boikarabelo ba phapang ya puo le setho sa bona le diphephetso tsa dipuo tse ngata tsa molao wa motheo, ke ka hona ho ileng ha etswa tsebiso ya Moralo ona wa Leano la Naha la Puo.
Moralo wa Leano ha o sibolle feela mokgwa wa ho sebetsana le dipuo tse ngata Afrika Borwa, empa o kgothalletsa ka matla tshebediso ya dipuo tsa ya dipuo tse ngata, toka setjhabeng, molawana wa phumantsho e lekanang ya ditshebeletso le mananeo a setjhaba, le tlhompho ya ditokelo tsa puo.
Tokomane ena e beha moralo o dumellang tshebediso e kopanetsweng ya dipuo tse ngata e teng tataisong ya Molao wa Motheo.
Ho tloha mohlang ho ne ho fihla Madatjhe Afrika Borwa ka 1652, ho ya ka puso ya dilemo ka tatellano ya Maborithani, Kopano ya Afrika Borwa, le ka mora moo, ho thehwa ha mmuso wa kgethollo le Rephaboliki ya Afrika Borwa, mme ka ho fihla ha demokerasi ka 1994 le dipehelo tsa Molao wa Motheo wa kananelo ya boemo ba semmuso ba dipuo tse ngata, leano la mmuso la puo le boraditjhelete ba matla di ile tsa hloleha ho ananela ho ba teng ha dipuo tse ngata Afrika Borwa.
Seafrikanse di qadileng ka kamano ya ho se lekane pakeng tsa tsona le tsa Afrika.
Ka tsela e jwalo, maano a bokoloniale le kgethollo, ha mmoho le a sepolotiki le moruo wa setjhaba, a ile a etsa hore ho be le kgolo ya ho se lekane ha dipuo, e bontshang ho phahamelana ha dipuo, ho se lekane ho hlahellang maemong a borabe le dihlopha tseo e bileng letshwao la setjhaba sa Afrika Borwa.
Diketso tsena kaofela di ile tsa tsosa boemo bo ileng ba latela ba dipuo tsa matswalla le batho ba dipuo tse fapaneng tsa Afrika ha mmoho le tse ding tsa dihlopha tse tinngweng meyetla ho kenyelletswa Ditholo le Difofu - ho bakileng kgatello ya tshebediso ya mefuta e sa fetoheng ya dipuo tsa Afrika, tse sa tsejweng, e seng feela ke ba buang Senyesemane le Seafrikanse, empa le ke bongata ba dibui tsa puo tsa Afrika ka botsona.
Maemo a rarahanngwa ke ntlha ya hore, ka baka la tlhokeho ya ponelopele le taolo ka lere la tshepe ntlheng ya ho sebediswa ha dipuo tse ngata, ditsha tsa setjhaba le tsa poraefete di na le tlwaelo ya ho etsa diqeto tsa nakwana ka ha puo tse sa dumellaneng le dipehelo tsa molao wa motheo le ditlhoko tse mabapi le dipuo.
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e na le dipehelo tsa sehlooho tsa moralo wa semolao bakeng la dipuo tse ngata, ntshetso pele ya dipuo tsa semmuso le phahamiso ya tlhompho le mamellano bakeng la diphapang tsa puo Afrika Borwa. E hlalosa ditokelo tsa puo tsa baahi, tse lokelang ho hlontjhwa ka maano a naha a puo.
Molao wa Motheo o hatella hore dipuo tsohle tsa semmuso di lokela ho fuwa "tlhompho e lekanang", mme di tshwarwe ka ho lekana, ka ho etsa jwalo ho ntlafatswe maemo le tshebediso ya puo tsa motswalla, ka mmuso o tlang ho kenya "melao le maano a mang ho laola le ho beha leihlo tshebediso ya dipuo tsa motswalla tse se nang menyetla".
Molao wa Motheo o fana ka matla maemong ohle a tshebediso ya puo naheng ka bophara, o fana ka tlhompho setjhabeng le dipolotiking ho dihlopha tsa puo tse hlokileng menyetla ka ntlha ya "ditlhoko tse hlalositsweng tsa setjhaba le dihlopha tse nang le maikutlo a tshwanang".
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e batlana le mekgwa e ka sebediswang ya ho ntshetsapele dipuo tsena tsa motswalla.
Karolo 6 le di na le dipehelo tse mabapi le puo bakeng la mmuso wa naha le diprovense, moo e leng hore mafapha a mmuso a lokela ho sebedisa bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso.
Ho kgothalletsa dipuo tse fapaneng ho feta, karolo ya 6 e na le dipehelo tsa ho thehwa ha Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (LDTAB) ho kgothalletsa dipuo tsohle le ho bona hore ho ba le ntshetsopele le tshebediso e seng feela ya dipuo tsa semmuso, empa le tsa Khoi, Nama le Sane, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. LDTAB e tla jala tlhompho bakeng la Dipuo tsa Bojalefa tse buuwang ke dikarolo tse itseng tsa setjhaba sa rona, le bakeng la dipuo tse sebedisetswang sedumedi.
Dipehelo tse ding tsa dintlha tsa puo di teng kaekae Molaong wa Motheo. Karolo ya 9 e fana ka tshireletso kgahlano le kgethollo e seng molaong ho latela puo, ha dikarolo 30 le 31 di le mabapi le ditokelo tsa batho ho latela setho, bodumedi, le tshebediso le ho thabelwa ha puo. Karolo 35 le di mabapi le ditokelo tsa puo tsa batshwaruwa, ba kwalletsweng le baqosuwa, ka kgatello e ikgethang ya tokelo ya nyewe e hlokang leeme ka kopano e tshwarwang kapa e tolokwang ka puo ya boikgethelo ba motho.
Lefapha la Thuto (LT) le kentse "Leano la Puo Thutong" (LPT), le hatellang tshebediso ya dipuo tse ngata jwalo ka katoloso ya bongata ba ditho le leo e leng karolo ya bohlokwa kahong ya Afrika Borwa e se nang morabe. Motheo o ka sehloohong ke ho boloka puo ya ka lapeng ya moithuti e le yona ya ho ithuta le ho ruta, empa baithuti ba kgothalletswa ho ithuta dipuo tse ding. LPT sebetsana le dintlha tse kang puo ya ho ithuta le ho ruta dikolong tsa setjhaba, mananeo a thuto a sekolo le mesebetsi e mabapi le puo ya mafapha a diporovense a thuto le makgotla a tsamaiso ya dikolo.
Molao wa Motheo le melao e tshwanang le ona e sebeletsa ka ho hlaka ka kgothalletso ya dipuo tse ngata ka hara Afrika Borwa. Moralo ona wa leano o lokela ho sebeletsa ho kopanngwa ha leano la puo ka ho phethahala maemong ohle a mmuso le ho beha ka ho hlaka maemo a leano ka maemo le tshebediso ya puo tsa motswalla diporovenseng tsohle tse robong tsa Afrika Borwa.
Leano la puo le ela hloko dipehelo tsa molao wa motheo mabapi le dipuo tse ngata mme le sebetsa ho latela merero ya mmuso ya moruo, dipolotiki tsa setjhaba le kgolo thutong.
ho kgothaletsa ho ithuta dipuo tse ding tsa semmuso tsa matswalla hore ho kgothalletswe kopano setjhabeng, tshebedisano puong le sethong; le ho kgothaletsa tsamaiso e loketseng ya puo bakeng la tsamaiso ya ditshebeletso tsa setjhaba hore ho tle ho fihlellwe ditebello le ditlhoko tsa setjhaba.
ho thibela ho sebedisa puo le ha e le efe bakeng la tshebetso, ho okamela le kgethollo; le ho eketsa tshekamelo ka bathong ha ho buuwa ka tse molemong, ditlhoko le ditebello tsa ho phatlalla le batho ba sebetsang ka puo ka ditherisano.
Ho kgothaletsa dipuo tse ngata tsa Afrika Borwa ho hloka diteko tse sa nyatseng tsebo e seng e le teng setjhabeng moo dipuo tsa semmuso tsa matswalla di leng ngata teng. Sena se tla tsamaiswa ka tshebediso le seabo sa setjhaba tshebetsong ya ntshetsopele ya puo.
Ho lebelletswe ho rerisana le ditsebi tsa puo ho thusa ntshetsopeleng ya mananeo a tshebediso ya puo tse ngata ka ho etsa diphuputso le ho ntshuwa ha tsebiso ka tsona.
Ho tsamaisa tshebedisano le karolelano ya boikarabelo pakeng tsa dinaha tseo e leng ditho tsa LNAB ho tla matlafatsa ntshetsopele ya puo.
Ho tla ba bohlokwa ho lekola botjha leano hore ho behwe leihlo kgatelopeleng e lebisang setjhabeng sa dipuo tse ngata ka ho phethahala.
Mokgwa wa ho sebetsa o thehilweng ka setjhaba ho phahamisweng ha dipuo tse ngata ke ntho e ka kgonehang ka ho fetisisa, ha ho shejwa hore Afrika Borwa ke naha ya batho ba bangata. Ho lokela ho ba mokgwatshebetso o phatlalladitsweng le o etsang hore moralo wa puo le ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo, ho kenyelletsang tsebo ya theknoloji ho fana ka tsebo le bokgoni ba mosebetsi.
Ho phahamiseng dipuo tse ngata, diprovense di tla rala maano a tsona ho latela ditataiso tse leng Moralong ona wa Leano, ho ntse ho shejuwe mabaka a tikoloho, ditlhoko tsa setjhaba le tse ka sehloohong ho sona, jwalo ka ha ho hlahella Molaong wa Motheo.
Mebuso ya mahae e tla kgetha puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba sa yona ka hara moralo wa leano la puo la provense o etsang hore ho be le kgonahalo e jwalo. Ha ho se ho kgethuwe puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba, mebuso ya mahae, ka puisano le setjhaba sa yona, e lokela ho ntshetsapele, ho phatlalatsa le ho kenya tshebetsong leano la dipuo tse ngata.
Dipuo tsa semmuso di tla sebediswa ho latela pehelo tsa molao, mererong yohle ya semmuso, ho kenyelletsa kgatiso ya dibuka tsa Hansard, e le ntlha ya tokelo: Ha feela ntlheng ya makgotla a ketsamolao a provense, mabaka ho latela tikoloho etsa hore ho kgethwe hore na ke (di)puo dife tse ka sebediswang.
Mmuso o tla kgothalletsa, mme moo ho hlokehang tshehetso, makala a poraefete ho ntshetsa pele le ho kenya tshebetsong maano a ona a puo a ntse a ikamahantse le moralo wa naha wa leano la puo.
ngodisitsweng: Ka tumellano, lekala ka leng la mmuso le lokela ho dumellana ka puo ya tshebetso (bakeng la bobedi puisano ka hare le ka ntle ho lefapha), ha feela moo ho kgonehang ho se na motho ya tlang ho thibelwa ho sebedisa puo ya hae kapa ya kgetho ya hae. Bakeng la ho ka tshwara dikopano kapa mesebetsi e itseng ka ho qolleha, ho lokela ho etswa matsapa ohle ho sebedisa mekgwa ya ho tsamaisa puo e kang phetolelo le/kapa ho toloka (bobedi ka tatellano le hanghang, ha mmoho le ho toloka ka ho nyenyetsa) moo ho ka kgonehang teng.
puisano le setjhaba: Bakeng la dikgokahano tsa semolao, puo ya kgetho ya moahi e lokela ho sebediswa. Puisanong ka molomo yohle e lokela ho etswa ka puo ya kgetho ya bamamedi bao ho buuwang le bona. Ha ho kgoneha, matsapa a lokela ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho kgonahatsa puo tse tshwanang le ho toloka (ho tlwaelehileng, hwa hanghang, ka fonofono kapa ho nyeyetsa) moo ho kgonehang.
Dikgatiso tsa mmuso: Lenaneo la dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela ho latelwa ke mafapha a naha a mmuso maemong ao e leng hore ha ho hlokehe kgatiso ka dipuo tsohle tse 11.
Moo e leng hore ho na le tshebetso e phethahetseng le e tsitsitseng mmusong maemong le ha e le afe, ho hlokeha phetiso ya tlhahisoleseding ka botlalo, e lokelang ho hatiswa ka dipuo tsohle tse 11 diprovenseng, ka dipuo tsohle tsa semmuso tse boletsweng.
Moo e leng hore ditokomane tsa mmuso ha di na ho ba teng ka dipuo tse 11 tsohle tsa semmuso, mafapha ohle a mmuso wa naha a lokela ho phatlalatsa ditokomane hanghang ka bonyane dipuo tse tsheletseng.
Molawana wa tshebetso ka ho potoloha o lokela ho sebediswa ha ho kgethwa dipuo tseo ho tlang ho hatiswa ditokomane tsa mmuso ka tsona dihlopheng tsa puo tsa Nguni le Sesotho.
Puisano boemong ba matjhaba: Puisano mmusong boemong ba matjhaba e tla etswa ka Senyesemane kapa nakwana, e tla etswa ka puo e kgethilweng ke naha e amehang.
Ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo ho tla eketsa tlhokeho ya mosebetsi wa ho fetolela le tlhophiso ha mmoho le ditshebeletso tsa ho toloka, haholoholo dipuong tsa motswalla. Tsebo e tebileng ya phetolelo dipuong tsena e tla lokela ho eketswa ka bobedi mafapheng a mmuso le boemong ba poraevete, k.h.r. ba batho ba itshebetsang puong jwalo ka bafetoledi, bahlophisi le ditoloko. Tlhokeho e eketsehileng ya ditshebeletso tsa basebetsi ba seprofeshenale ba puo e tla hloka kwetliso boemong bo hodimo bakeng la tsebo ya mosebetsi.
Ho thehwa ha diyuniti tsa puo lefapheng ka leng la mmuso le provenseng kang ho tla ba le kgahlamelo mesebetsing ya Ditshebeletso tsa Naha tsa Puo (DNP) ka bophara. DNP di tla lokela ho tsamaisa botsamaisi ba ho kenngwa e tla lokela ho boela e jara boikarabelo ba ho tsamaisa ntshetsopele ya mananeo a ntshetsopele bakeng la bafetoledi, bahlophisi le ditoloko, le ho theheng ditataiso tsa tshebetso dintlheng tse mabapi le boleng.
Dintlha tsa thuto ya tlotlontswe le tlotlontswe ka boyona le tsona di tla ameha. Keketseho mosebetsing wa ho fetolela e tla hloka ntshetsopele e eketsehileng ya tlotlontswe dipuong tsa semmuso le Banka ya Tlotlontswe ya Naha e fihlellehang ho bobedi mmuso le basebetsing ba itshebetsang ba puo.
Phihlello ya lekala la theknoloji ya puo ya batho (TPB) (mohlala ke phetholelo ka thuso ya motjhini, polokelo ya phetolelo, sesebediswa sa tlhahlobo ya mopeleto) bakeng la dipuo tsa motswalla e tla ba le karolo ya bohlokwahadi tshehetsong ya tsamaiso ya mesebetsi e mabapi le puo.
Ho kgethwa ha boholo ba diyuniti ho tla etswa mme kwetlisetso ya tsebo ya mosebetsi ntlheng ena e tla behwa ka sehlohlolong ka mora ho lekola lenane la dipuo tsa semmuso tse lokelang ho etswa. Diyuniti tse sebedisang batho ba bane kapa ho feta ba profeshenale, di tla hloka ditlereke.
Kaho ya bokgoni ba mosebetsi dibakeng tse hlwailweng tsa tsamaiso ya puo e tla etswa ka tshebedisano e matla le ba fanang ka ditshebeletso ba kang ditsha tsa thuto e phahameng tse fanang ka mananeo a ananelwang ke LDAB le dithuto tshebedisong ya puo, phetolelo le bohlophisi, ho toloka, thero ya puo, thuto ka tlotlontswe le thuto ka ho ngolwa ha bukantswe.
Ho kenngwa tshebetsong ho tswelang pele ha leano nakong e kgutshwane, bohareng le e telele ke lewa le ratwang maemong ohle.
Mabapi le kgatiso tsa mmuso, ho kenngwa tshebetsong ho tla etswa ho latela maemo le ka ho phethahala ke makala a mmuso bonyane nakong ya dilemo tse tharo. Molemo wa mokgwa wa ho a kenya tshebetsong hanyane ka hanyane ke hore mafapha a tla kgona ho eketsa ntshetsopele ya bokgoni ba mosebetsi le ho tsamaisa mosebetsi wa ho a kenya tshebetsong ka ho phethahala.
Makala a mmuso a tla ba le nako ya ho rala ditekanyetso tsa ona a ntse a di eketsa hanyane ka hanyane nakong ya MDNB le ho rala mekgwatshebetso ho latela mehlodi e hlokehang ho etsetsa katleho ho kenngweng ha leano tshebetsong.
Ho beha leihlo mekgwa ya ho netefatsa phetolelo e nang le boleng le ditshebeletso tsa bohlophisi di tla ntshetswapele.
Ka tshebedisano le LDTAB, Lefapha la Bonono le Setho di tla beha tshebetso leihlo mme di tla fana ka tlaleho nakong tse behuweng ho baokamedi ba loketseng.
Tekolobotjha ya leano e tla etswa kgafetsa mme dikgothalletso di etswe bakeng la ditokiso moo ho leng bohlokwa hore ditekanyetso di eketswe ka nepo.
Disebediswa tse hlokehang hore leano le tle le kenngwe tshebetsong.
puisano ka mangolo le setjhaba; le puisano boemong ba matjhaba moo ho lokelang.
Mekgwa e meng ya ho a kenya tshebetsong e tlang ho sebediswa ke Metheo ya Boitshwaro ya Basebeletsi ba Mafapha a Setjhaba, ho thehwa ha Lekgotla la Basebetsi ba Puo la Afrika Borwa, Ditshebeletso tsa Botoloki ka Mohala tsa Afrika Borwa (DBMAB), ntshetsopele ya mawa a dipuo tse neng di tinngwe menyetla pele le Leano la TPB.
taolo ya profeshene ya tsamaiso ya puo, e leng phetolelo, botoloki le tlotlontswe, ka ntlafatso le melao e loketseng.
tshehetso ya diteko le/kapa mananeo a ho ntlafatsa dipuo tsa motswalla tse neng di tinngwe menyetla, k.h.r, dipuo tsa Afrika le dipuo tsa Khoi, San le Nama, ha mmoho le puo ya Matsoho ya Afrika Borwa; le tshehetso ya ho ithuta le ho ruta dipuo tsohle tsa semmuso mekatong yohle ya sekolo.
bopuopedi ntshetsopele ya puo tlhophiso toka tshebediso ya puo tse ngata dipuo tsa Ketso ya ho sebedisa dipuo tse pedi e seng ha kaalo ka bokgoni bo lekanang mahlakore ka bobedi Ho phahamiswa ha puo ka dipapetla, tekanyo le tlhaloso ya mesebetsi hoo puo e ka sebediswang ditabeng, thutong, molaong le tsamaisong, jj. le ho fana ka bonamo bo akaratsang ba phatlalatso ya dibuka ka puo eo. Ho etsa ditokiso puong le/kapa mokgweng wa ho ngola dingolweng. Boleng ba toka, tlhokeho ya tshekamelo; tshebetso e lekaneng; se hlokang leeme le ho loka. Sena se supa kgetho ya dipuo e itseng boemong bo ikgethileng, e etswang ka baka la maemo ao puo e sebediswang ho ona, k.h.r. mosebetsi, bamamedi le molaetsa oo e o sebedisetswang Dipuo tseo e seng tsa motswalla tsa naha empa bojalefa tse tlileng le melata.
dipuo tse neng di hloka menyetla ho ya ka nalane Boemong ba Afrika Borwa, tsena ke dipuo tse ileng tsa fuwa maemo a tlase ke dithlopha tsa tse matla le tseo, ka lebaka leo, di neng di sa sebedisetswe kapa ho ntlafatswa hore di ka sebedisetswa ditaba, thuto (ka mora poraemari e tlase sekolong), kapa dibakeng tse loketseng moruo wa setjhaba. Ho bile le tshehetso e nyane e fuwang ntshetsople ya bonono ba ka molomo dipuong tsena. Di kenyelletsa dipuo tsa motswalla, bojalefa le PMAB.
thekenoloj i ya puo ya batho Tshebediso ya tsebo ya puo ntshetsopeleng ya ya tshebetso ya khompyuta tse ka kgonang ho hlwaya, ho utlwisisa, ho hlalosa, le kgodiso ya puo ya batho ka mahlakoreng ohle, k.h.r. ntshetsopele ya tshebetso e etsang hore ho be le kgonahalo ya hore batho ba sebedisane le dikhompyuta.
puo ya Puo eo e leng ya sethatho ya naha.
motswalla botoloki Tshebetso ya ho fetola se qapodisitsweng ho tswa puong ya sethatho ho iswa ho e nngwe ka tsela ya puo.
Tlhokomel Ho ela hlooko ka moo puo e sebediswang ka o puong teng setjhabeng, hore na ba e sebedisang ba fuwa ditokelo tsa bona tsa puo na, le hore puo e sebediswa jwang ho matlafatsa kapa hona ho amoha matla.
toka ya puo tekano puong Ho ya ka seriti, dipuo tsohle di a lekana. Tshwaro ka ho lekana ya dipuo tse pedi kapa ho feta, haholoholo mabapi le maemo a tsona a semmuso setjhabeng jwalo ka molaong, tokeng, tsamaisong ya setjhaba le thutong.
Phano ka ditshebeletso ka puo ka ho lekana le/kapa tshwaro ya bobedi kapa ho feta ya tsona. Dintlha tse kang lenane la batho ba e buang le maemo ao e buuwang ho ona di ka ba le kgahlamelo leanong le hlalosang dibaka tsa tshebediso ya puo e itseng. Tshebediso ena e keke ya lekana ha kaalo. "mmuso o keke wa sebedisa dipuo tsa baahi kaofela ka ho phethahala mme ka baka leo o ka ngotla tshebeidso ya ona ya dipuo ka ho sebedisa (di)puong tsa/ya semmuso, kapa dipuong tse itseng, ho latela tlhokeho" (Turi, 1993:14-15).
Thero ya puo e tsepame hodima ditharollo mathateng a puo ka ho hlahisa dipheo, mekgwa ya ho di fihlella le diphetho. E kenyelletsa tshebetso ya ho laola le ho ntlafatsa dipuo ka ntshetsopele ya dipuo.
Qeto ya semmuso e mabapi le maemo a dipuo tse fapaneng tse buuwang ke bongata/ba buwang dipuo tse ngata, mohlala ke dipuo dife tse tlang ho ba tsa naha/semmuso, ke dife tse tlang ho sebediswa dikolohong le hore maemo a tsona e tla ba afe.
ditokelo tsa puo Melao e hlalosang maemo ao baahi ba ka etsang kgetho ya puo ho ona.
diyuniti tsa puo Makala a mmuso mafapheng le diprovenseng a sebetsanang le dintlha tse itseng ka ho qolleha tse mabapi le puo tsa lefapha leo le/kapa provense tse tswang Leanong la Naha la Puo le ho buisana le mafapha a mang ka dintlha tse mabapi le puo.
Tshebediso ya khompyuta bakeng la phetolelo ya ya dingolwa tse ngotsweng ka elektroniki ho phetolelo tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe. ka motjhini puo e Puo le ha e le efe ya semmuso e sa tinngweng kenyelletswang bakeng la ho sebediswa monyetla semmuso kapa eo tshebediso ya yona e sa kgothalletsweng dibakeng tse kgethehileng (mohlala, thutong, tlhokomelong ya tsa bophelo). "Ho tinngwa monyetla" ha ngata ho bolela boemo bo tlase ba puo le mohlomong ba dibui tsa yona. Mohlala, Setsonga, Tshiveda, Sendebele le siSwati di nkuwa e le dipuo tse tinngweng menyetla Afrika Borwa.
puo ya thuto puo e Puo ya ka phaposing ya borutelo jwalo ka ha e sebediswang ha ho rutwa hlahella kharikhulamong le leanong la puo. "Puo e sebediswang ho ithuta" e bolela ho ritsa hanyane ho kenyelletsa ntlha ya hore ho ka nna ha sebediswa puo tse fetang bonngwe mme baithuti ba sebedisa e nngwe ho fapana le ya semmuso.
dipuo tse ngata Tshebediso ya dipuo tse tharo kapa ho feta ke motho kapa ke sehlopha sa dibui tseo e leng baahi ba tikoloho e itseng kapa setjhaba.
puo ya semmuso Puo e sebediswang mmusong, makgotleng a dinyewe, thutong, kgwebong le masedinyaneng.
phetolelo Tshebetso ya ho fetola sengolwa ho tswa ho sa sethatho ho ya ho se seng (ka puo eo ho fetolelwang ho yona) ka mokgwa wa ho ngola.
tlotlontswe Mantswe a lekantsweng a theknoloji a nkuweng dibakeng tse ikgethang tsa tsebo.
<fn>GOV-ZA. Furthereducationandtraining.2010-03-25.st.txt</fn>
Baabi bohle ba Mananeo a Thuto le Thupelo tse Phahameng ba fanang ka mangolo a felletseng a thuto maemong a 2 - 4 a Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto ba lokela ho ingodisa jwalo ka di-institjhushene tsa Thuto le Thupelo tse Phahameng . Bakopi hape ba lokela ho ingodisa ka ho ya ka Molao wa Dikhampani, 1973.
Di-institjhushene tse fanang ka dikhoso tse kgutshwane, mananeo ao e seng a NQF kapa dikarolo tsa mangolo a thuto, tse sa angweng ke ngodiso ka ho ya ka Molao wa FET.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Lefapha la Thuto.
Romela diforomo tsa kopo Lefapheng la Naha la Thuto.
Kenya tefello ya R500 e sa kgutlisweng ya kopo hore e tsamaye le kopo ya hao. Yona e ka leshwa ka tjheke e tiiseditsweng ya banka kapa ka postal order.
Ngodiso e ka nka dikgwedi tse 11 ho phethahala.
<fn>GOV-ZA. GiveNoticeofabirth.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao o Fetotsweng wa Ngodiso ya Tswalo le ho Hlokahala, 1997, o bolela hore ho tswalwa ha ngwana ya phelang ho lokelwa ho tlalehwa matsatsing a 30 ka mora tswalo.
Tsebiso ya tswalo e lokelwa ho etswa ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi wa molao, mme haebe e mong wa batswadi kapa mohlokomedi wa semolao a sa kgone ho etsa jwalo, motho ya kopilweng ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi wa molao a ka fana ka tsebiso.
Romela foromo ya Tsebiso ya Tswalo ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae.
Motho ya kotjwang ho fana ka tsebiso o lokela ho ba le taelo ya ho etsa jwalo, e lokelang ho kenyelletsa hape le mabaka a hore ke ka baka lang batswadi ba sa kgone ho fana ka tsebiso ka bobona.
Ha ngwana a tswetswe ka ntle ho Afrika Borwa mme e mogn wa batswadi e le moahi wa naha ya Afrika Borwa ka nako eo ngwana a tswalwang ka yona, tswalo eo e ka tlalehwa Embasing ya Afrika Borwa, Consulate, kapa Ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae mona Afrika Borwa.
Bakeng sa tsebiso ya tswalo e etswang ka mora matsatsi a 30 ngwana a tswetswe empa pele ho selemo ka mora ho tswalwa, batswadi kapa mohlokomedi wa molao o lokela ho fana ka mabaka a hore ke ka baka lang tswalo eo e sa ngodiswa matsatsing a 30 jwalo ka ha ho hlokwa ke Molao.
Ha batswadi ba sa nyala mme ba batla ho ngodisa ngwana tlasa sefane sa ntate, ntate o lokela ho ananela botswadi ba bontate sebakeng seo ho fanweng ka sona foromong ya Tsebiso ya Tswalo. Ntate o lokela ho ba teng ha tswalo e ngodiswa.
Dikopo di ka nka dibele tse 8 ho isa ho tse 12.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. GrantApplication.2010-03-25.st.txt</fn>
ho ba setho sa sehlopha se neng se tingwa menyetla nakong e fetileng ho ba dilemo tse 18 kapa ka hodimo ho moo ho ikemisetsa ho sebedisa mobu bakeng sa merero ya temo feela ho ikemisetsa ho ba molemi-rui wa dinako tsohle hore ho se be le sekgeo sefe kapa sefe sa mosebetsi seo o se tshwereng dibopehong tsa mmuso ho itokisetsa ho ba le seabo lenaneong la thupelo ka mora ho fumana mobu ho ba maemong a ho ba le kabelo le be mokga o hlophisitsweng hantle ha le etsa kopo le le sehlopha, mme o be le akhaonte ya banka.
Balemi-rui ba atlehileng ba batlang ho atolosa tshebetso tsa bona ba ka etsa kopo bakeng sa dithuso tse ding empa palo yohle ya dithuso tsa LRAD bakeng sa mokopi ya mong e ke ke ya feta R100 000. Tjhelete e nngwe ya ho qala kapa ho atolosa projeke ya temothuo e lokelwa ho fumanwa bankeng.
Thuso ya LRAD ha ho hlokehe hore e kgutliswe jwalo ka kadimo. Ho sebediswa fomula ho hlwaya hore ke bokae eo motho ya tla e fumana. Ho tshwaneleha bakeng sa thuso ya R20 000, o lokela ho kenya R5 000. Tjhelete eo o e kenyang ha ho hlokehe hore e be ka mokgwa wa kontane - e ka nna ya ba ka mokgwa wa sesebediswa sa temo, mohlape le matlotlo a mang a temo. Ekasitana le ona mosebetsi oo o ka o kenyang projekeng o ka balwa jwalo ka ntho ya motheo eo o e kenyang.
Hlwaya mobu oo o batlang ho o reka. Ho seng jwalo, e ka nna ba o se o ntse o na le mobu, o jwalo ka mobu o kopanetsweng.
E ya Lefapheng la Ditaba tsa Mobu kapa ho mohlanka wa selehae wa katoloso ya tsa temo ho ya etsa kopo ya thuso.
tshisinyo ya tshebediso ya mobu kapa polane ya polasi kgetho ya ho rekisa ka theko eo ho dumellanweng ka yona, ha o hirwa ho be le kgetho ya ho o reka lenane la ditho tsa lelapa kapa ditho tsa sehlopha, haebe tshisinyo ke ya sehlopha tiisetso ya hore thaetlele ya mobu e hlakile, ha e na ditleleime tsa mobu, tse ngodisitsweng lebitsong la morekisi, mme le theko eo ho rerisanweng ka yona ha e ka hodimo ho theko e lekanyeditsweng ke mmaraka bopaki ba hore tjhelete e setseng e hlokehang e teng raporoto ya tekolo.
Mosebetsi ona o tla nka bonyane dikgwedi tse nne empa ha diprojeke di rarahane o ka nka nako e telele.
Bonyane ba palo e etsang R20 000 bo tla hloka bonyane bo kengwang ke wena ba palo e tsang R5 000. Boholo ba palo e etsang R100 000 bo tla palo e kengwang ke wena e etsang R400 000. Pakeng tsa palo e nyenyane le e kgolo, ho na le dipalo tse tshwanang tsa dithuso, mme hona ho tla ya ka palo e kengwang ke bao ba nang le seabo.
O tla fuwa foromo hore o e tlatse ofising ya provinse ya Lefapha la Ditaba tsa Mobu kapa ofising ya selehae ya mesebetsi ya temo.
<fn>GOV-ZA. Identitydocumentforthefirsttime.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokomane ya boitsebiso ke tokomane e pakang boitsebiso ba motho. Ditokomane tsa boitsebiso di nehwa baahi ba naha ya Afrika Borwa kapa batho ba tshwereng diphemiti tsa ho ba badudi ba saruri ba leng dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo. Di ka nehwa hape le motho ofe kapa ofe ya sebetsang mmusong kapa mokgeng o theilweng ka ho ya ka molao ka ntle ho Afrika Borwa kapa ya rometsweng ho ya sebetsa mmusong wa naha e nngwe. Hona ho sebetsa le ho mohatsa kapa bana ba motho eo.
Etsa kopo ofising e haufi le wena ya Ditaba tsa Lehae kapa misheneng haebe o etsa kopo o le mose.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-9.
Romela setifikeiti sa tswalo kapa pasa ya kgale eo o e fumaneng pele ho la 1 Phupu 1986.
Haebe tswalo eo ha ya ngodiswa, mme ha ho na setifikeiti sa tswalo, tlatsa foromo ya BI-24/15 mme o hokele bonyane tokomane e le nngwe e tshehetsang, mohlala, setifikeiti sa kolobetso, lengolo la sekolo kapa setifikeiti sa peleho.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo ba dinepe tsa ID.
Ho tla nkuwa kgatiso tsa menwana hore ho ngodiswe Rejistareng ya Baahi ba Naha.
Bakopi ba nyetseng ba lokela ho hlahisa khopi ya setifikeiti sa lenyalo.
Mosadi ya etsang kopo ya tokomane ya boitsebiso mme a rata ho qala ho sebedisa difane dife kapa dife tseo a neng a tsejwa ka tsona pejana, o lokela ho romela bopaki ba hore o na le tokelo ya ho sebedisa sefane seo.
Motswa-ntle ya etsang kopo ya tokomane ya boitsebiso o lokela ho hokela phemiti ya bodulo ya saruri, setifikeiti se mo etsang moahi wa naha ena , setifikeiti sa lenyalo le foromo ya BI-529.
Dikopo di ka nka nako e ka etsang dibeke tse robedi.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ela tlhoko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Implem_plan_sesotho.2010-03-25.st.txt</fn>
Ke motlotlo haholo ho nehelana ka Moralo ona wa Phethahatso wa Leano la Naha la Puo o neng o sa tswa thakgolwa ke Letona haufinyane. Leano la Naha la Puo le tswetswe ke ditherisano tse batsi tseo esale di simolla morao kwana ka selemo sa 1995, ha ho ne ho kgethwa Moifo o Sebetsanang le Puo (LANGTAG). Moralo wa Phethahatso o lokodisa mawa a tla sebedisetswa phethahatso ya Leano la Puo, o hlahisa le metheo e tla ba ka sehloohong phethahatsong, le mekgwa e tla sebediswa ho akofisa ntshetsopele le kgothaletso ya Dipuo tsa rona tsa Se-Afrika.
Mmuso o lemoha diphephetso tse amehang taolong e sebetsang hantle ya dipuo tse fapafapaneng. Ke ka lebaka lona lena Moralo wa Phethahatso o hlahisang mokgwa wa katamelo o tenyetsehang ebile o tswella pele. Hobane ho lemuhuwa ntlha ya hore kgothaletso le ntshetsopele ya dipuo tsa rona e bonwa e le ya bohlokwa dipallong tsa Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso o etsa boipiletso ba hore ho hlomamiswe moralo wa tlhekelo ya mosebetsi wa puo le mekgwa e loketseng ya phethahatso e feletseng ya tshebediso ya dipuo tse ngata Tshebeletsong ya Setjhaba. Ka hoo, balekane bao re sebedisanang le bona boemong ba mmuso wa naha, wa diprovense le wa selehae ba tla ba le seabo sa bohlokwa sa ho etsa bonnete ba phethahatso e atlehileng ya Leano la Puo.
Ka ho nkella hloohong hore phephetso ya rona jwalo ka Mmuso ke ho etsa bonnete ba hore baahi ba fuwa tshebeletso e sebetsang hantle e arabelang ditlhoko tsa bona, le hore puo ke sesebediswa sa ho hokahana le bona, ke taba ya bohlokwa hore Leano la Puo le phethahatswe ka potlako e kgolo.
Ka hoo ke lakatsa ho ipiletsa ho bomphato bohle ba rona, ke kenyeletsa mekgatlo ya mmuso le mafapha ekasitana le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa, ho netefatsa hore phethahatso ena ya moralo ona wa bohlokwahadi e etsa hore tshebediso ya dipuo tse ngata ebe ntho ya nnete e sebeletsang baahi bohle ba Afrika Borwa.
Moralo ona wa Phethahatso ke karolo ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo(NLPF) o matlafatsang dipallo tsa puo jwalo ka ha di lokodisitswe karolong ya 6 ya Molao wa motheo, wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996). Ha o feletse, sephuthelwana sena se tla botjwa ka Tlhaloso ya Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso, Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa le melawana e lohothwang, ha mmoho le Molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo o ntseng o lohothwa.
Moralo ona wa Phethahatso o tliswa e le tlhahiso e tenyetsehang eo ho yona ho ka boelang ha kenyeletswa metheo e meng e fumanweng le mekgwa e ka sebedisetswang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata.
Tlhaloso ya Leano ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) e ile ya phatlalatswa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknolji ha Tshitwe e hlola matsatsi a 3 ka 2002. Ka morao ho moo e ile ya ananelwa ke Khabinete ha Tlhakola e hlola matsatsi a 11 selemong sa 2003. Leano lena le reretswe ho ntshetsa pele tshebediso e lekanang ya dipuo tsa molao tse 11 ka mohopolo wa etsa hore ditshebeletso tsa mmuso di fumanehe ka ho lekana, tsebo le lesedi, ekasitana le tlhompho ya ditokelo tsa puo. Dipheo tsena di itshetlehile kgothaletsong le ntshetsopeleng e atlehileng ya dipuo tsa kwano tsa molao tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng. Hobane puo ke sesebediswa sa kgokahano bophelong ba batho le ditjhaba, ke taba ya bohlokwa hore ho etswe mawa a tla rarolla tlhokeho ena ya tekano ya dipuo ya nakong e fetileng.
Moralo wa Phethahatso o fana ka dintlha tse mabapi le metheo le mekgwa e hlokehang ya ho kenya tshebetsong Leano lena la Puo, le se bolelwang ke ditekanyetso tsa teng tsa ditjhelete bakeng sa mafapha a naha le a diprovense.
Leano le hlakile mabapi le bonamo ba phethahatso. Metheo yohle ya mmuso (ya naha, ya diprovense le ya puso ya selehae) e tlangwa ke dipallo tsa Leano, jwalo ka ha di tlama mekgatlo efe kapa efe e nang le matla a setjhaba kapa e etsang mosebetsi wa setjhaba ho latela molao.
Lefapha le leng le le leng kapa Provense le ka kgetha puo e tla sebetsa ho lona. Ho ntse ho hlokometswe hore ho seke ha ba le motho ya tla thibelwa ho sebedisa puo ya kgetho ya hae. Ha tlhokeho e le teng, ho fumanwe ditshebeletso tsa botoloki kapa tsa diphetolelo.
Mabapi le dikgokahano tsa puo e ngotsweng, ho tla lokela hore ho latelwe lenaneo la dikgatiso la tshebediso ya dipuo tse ngata tse sebetsang (ho nketswe hloohong tshebetso, batho ba mametseng le molaetsa) moo ho sa hlokeheng hore ho hatiswe ka dipuo kaofela tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, moo tshebetso e tsitsitseng ebile e sebetsa hantle ya mmuso boemong bofe kapa bofe e hlokang kgokahano e phethahetseng ya lesedi, kgatiso e tla lokela hore e etswe ka dipuo tse 11.
Moo ditokomane tsa mmuso di kekeng tsa kgona hore di fumanehe ka dipuo tse 11 tsa molao, mafapha a mmuso wa naha a tla lokela hore ka nako e le nngwe a hatise bonyane dipuo tse tsheletseng.
Motheo wa potoloho o tla lokela hore o sebediswe ha ho hlwauwa dipuo tsa sehlopha sa bokone (Nguni) le sa seSotho. Ka hoo bonyane tlhoko ya mafapha a mmuso wa naha e tla ba ho hatisa ditokomane tsa molao ka dipuo tse tsheletseng.
Motheo wa potoloho ha o sebetse diprovenseng, hobane di lokela hore di sebedise dipuo tsa tsona tsa molao tse tsepamisitsweng.
Mebuso ya selehae e tla tsepamisa puo eo e tla e sebedisa le dipuo tse kgethwang ke baahi ba bona kahare ho moralo wa tshebetso wa puo provenseng eo. Ha ho se ho tsepamisitswe puo e tla sebediswa le e kgethwang ke baahi ba moo, mebuso ya selehae e lokela hore, ka ditherisano tse batsi le baahi, e ntshetse pele, le hore e phatlalatse le ho phethahatsa leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Ka mabaka a ngollano ya molao, puo ya kgetho ya moahi e lokela hore e sebediswe. Kgokahano ya puo ya molomo yona e tlameha hore e etswe ka puo ya molao e kgethilweng ya bamamedi ba habilweng. Ha ho hlokeha, ho tshwanetse hore ho etswe mekutu yohle ya ho sebedisa menyetla ya puo e kang botoloki (bo latelanang ka dinako tsohle, bo etsahalang hong, ba founu le botoloki bo sejwang) moo ho kgonehang. Tlhophiso ena e lokela ho sebediswa diprovenseng ha mmoho le mafapheng a mmuso wa naha.
Tshebetso ya phethahatso e tataiswa ke dipheo le maikemisetso a totobaditsweng Leanong.
Ntshetsopele ya dipuo tsa kwano, ho kenyeleditswe tlhomamiso ya meralo le ntshetsopele ya dihlahiswa tse jwalo ka buka tsa mantswe kapa didikshenari le dikerama.
Qobello ya boikarabelo ba mmuso ho tiisa hore melemo ya ho finyeletsa tshebeletso e qhalanngwa ka tsela e lekanang ya nehelano hore ho fumanehe tekano ditshebeletsong tsa baahi bohle ho sa natswe puo ka morero wa ho matlafatsa seabo sa bona le lentswe la bona ditabeng tsa mmuso.
Taolo ya dipuo kaofela ho etsa bonnete ba tshebediso e sebetsang ya dipuo tsohle tsa molao le ho ntshetsa pele setshwantsho sa setjhaba sa Mmuso.
Kgothaletso ya ho ithuta puo, e entsweng ka ho ikgetha ho latela Tshebeletso ya Setjhaba, ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya bahlanka ba Tshebeletso ya Setjhaba le tlhahiso ya bona sebakeng sa mosebetsi le ho etsa hore ho bonahale melemo ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Kgothaletso ya dipuisano tsa motjha o tjhele tse kgabane tsa tshebediso ya dipuo tse ngata le ba nang le seabo le baamehi.
Tlhomamiso ya dilekane tsa tshebedisano ho etsa bonnete ba hore phethahatso ya Leano lena e atlehe.
Phethahatso ya Leano e tla kenngwa ka mehato hanyane hanyane jwalo ka nako e utlwahalang.
Tshebetso ya phethahatso e tla etsahala kahara metheo e behilweng ka tsela e hlakileng le e kgonang ho laoleha.
Bokgoni bo tla thehwa ka tsela e eketswang ha e ntse e tswela pele bakeng sa phethahatso e nang le moelelo le phethahatso e sebetsang hantle.
Phethahatso e atlehileng e tla hloka hore ho fetolwe tlwaelo ya tshebediso ya dipuo tsa molao mafapheng a mmuso ho netefatsa hore dipuo tsa kwano di sebediswa ka matla meelelong e fapafapaneng.
Ho tla hlokeha taolo e sebetsang hantle ya mehlodi mabapi le tlhoko e eketsehileng ya diphetolelo le tlhaolo ya diphoso, haholoholo dipuong tsa Se-Afrika.
Ho tla tadingwa pele mahlale a mang a thupelo diphetolelong le tlhaolong ya diphoso, botoloking, leksikhokrafing le mokgweng wa mareo.
Katleho ya phethahatso ya Leano e tla hlahlojwa kgafetsa ka tshebedisano e kgolo le Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB). Dipehelo tse nang le dintlha tse phethahetseng mabapi le tekolo tsa mofuta o jwalo di tla phatlalatswa.
Ha ho hlokeha ho tla etswa diphuputso tshebedisong ya puo e le ho fana ka lesedi le hlokehang diqetong tsa ho etsa Leano le tsa phethahatso.
Afrika Borwa e fetohile lelapa la botjhaba bo fapafapaneng haholo le dipuo. Ho akanngwa hore ho buuwa dipuo tse ka bang 25 naheng ena, tseo tse 11 ho tsona di fuweng maemo a molao ho latela karolo ya 6 ya Molao wa motheo.
Le leng la makgetha a dipuo tsa Afrika Borwa ka lehlakoreng le leng ke ntlha ya ho hlokiswa matla ha dipuo tsena, ha ka lehlakoreng le leng e le taba ya bompodi. Leano la nakong e fetileng la tshebediso ya dipuo tse pedi ka molao e ile ya tswala dikamano tse hlokang tekano mahareng a English le Afrikaans (tseo e neng e le tsona feela dipuo tsa molao) le Dipuo tsa Se-Afrika. Bompodi ba dipuo tsena bo ile ba eba le tshwaetso e nang le leeme ka tsela e batsi haholo bathong ba bangata ba buwang dipuo tsena tsa Se-Afrika ho latela kgokahano ya batho ba batsho le Mmuso, le taba ya hore ba kgone ho fumana ditshebeletso tsa mmuso, toka, thuto le mesebetsi.
Ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika ke ya bohlokwa haholo hore ho tle ho kgonwe ho lokisa taba ena ya tlhokeho ya tekano. Ntshotsopele e fokolang eo esale e ba teng ka nako e fetileng ya ho beha ka mosing dipuo tsena ho latela tshwano le mongolo, mareo a thekniki le buka tsa pokeletso ya mantswe ke phephetso e kgolo haholo hore Leano le kgone ho sebetsa hantle. Ho feta mona, pehelo ya LANGTAG ya 1996 e bontsha hore ntlha ya ntshetsopele e fokolang ya dipuo tsena e kentse letsoho tjhadimong e fosahetseng eo le beng ba dipuo tsena ka bobona ba nang le yona ka dipuo tsa bona. Kgetho ya English le kapa Afrikaans e pheheletswe ka lebaka la boemo ba dipuo tseo ba ho sebetsana le puo ya thekniki.
Phephetso e kgolo ya phethahatso ke ditlwaelo tse teng hona jwale tsa puo, tse hokahaneng haholo le tshebediso e ngata ya Senyesemane mona Afrika Borwa ya ka morao ho nako ya kgethollo. Senyesemane se sebediswa ka mokgwa o batsi dibakeng tse ngata, metheong ya mmuso le ditabeng (dikoranteng le kgasong ya ditaba tsa ilektroniki), sebakeng sa mosebetsi e le puo e sebediswang ke bohle bakeng sa kgokahano le dihlopha tse fapafapaneng, le jwalo ka puo ya Inthanete le saense ha mmoho le theknoloji. Leha Senyesemane se nehelana ka menyetla ya ho fumana mosebetsi le thuto, se boetse ke tshitiso bathong ba haellwang ke tsebo ya ho buwa puo eo. Leha Senyesemane se bonwa e le senotlolo sa phedisano le motsamao wa moruo le katleho se tlisa tshoso tshebedisong le tlhokomelong ya dipuo tsa kwano le phethahatsong ya leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Leha ho le jwalo, tsebo ya puo ya Senyesemane hae e a phatlalla jwalo ka moo ho lebeletsweng ka teng, mme ho na le monyetla wa hore ho hlahele sehlopha sa batho ba itseng ba buwang puo ya maemo a hodimo. Dipatlisiso tsa naha tsa puo ya setjhaba tse neng di etswa ke Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 di bontsha hore batho ba fetang 40% ba Afrika Borwa ha ba utlwe letho le buuwang ka puo ya Senyesemane. Ho fumanehile hore batho ba bangata ba Afrika Borwa ha ba kgotsofala ka moo dipuo tsa bona di sebediswang ka teng setjhabeng. Dipatlisiso tsena di ile tsa fumana le hore setjhaba ka kakaretso hantlentle se nka Tshebeletso ya Setjhaba e sa fihlellehe ho latela taba ya puo.
Hodima taba ya ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika, ho tla hlokeha hore ho netefatswe taba ya tshebediso ya dipuo kaofela tsa molao. Moralo wa Phethahatso o rarolla dintlha tsena ka ho hlahisa tlhomamiso ya metheo e itseng le ho fumana mekgwa e itseng e tla boela e tlisa tharollo boemong bona.
Ho ntse ho lemohuwa ntlha ya hore phethahatso ya Leano lena e tla tlisa ho sutha ho matla tshebetsong tse teng tsa hona jwale, katamelo ya phethahatso e tenyetsehang le e tla eketseha ka maemo a fapaneng jwalo jwalo e tla sebediswa.
Leha mafapha a maholo a 10 a tla tadingwa hore a eteletswe pele tlhomamisong ya diyuniti tsa puo, mafapha a mmuso kaofela a tla hloka hore a thehe diyuniti tsa puo.
Dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela hore di kenngwe tshebetsong ka hanyane hanyane nakong ya dilemo tse tharo ho latela lenaneo la mafapha la dikgatiso. Mohlala, selemong sa pele e tla ba 30%, selemong sa bobedi e tla ba 60% mme selemong sa boraro ho hatiswe 100% ya dikgatiso kaofela.
Metheo e itseng le mekgwa ho latela ka moo e tshohlilweng ka teng karolong e latelang e hlahiswa ka morero wa ho matlafatsa phethahatso e sebetsang hantle. Metheo ena e tla hlokeha taolong ya tshebediso ya dipuo, ho hokahanya merero ya diprojekte tsa puo, ho kenya mokgwa wa profeshenale tabeng ya ho kgothaletsa seabo sa ditshebeletso tsa puo. Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) le ya Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) di tla thusa ka tlhomamiso ya metheo e hlokehang le ho fana ka seabo sa kgokahano mabapi le mekgwa e seng e fumanwe. Leha ho le jwalo, katleho ya phethahatso e tla itshetleha haholo tshebedisanong le metheo ya naha kaofela le ya diprovense, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB).
Ha ho eketswa metheong e seng e le teng ya PanSALB le Hansard, metheo e lokelang hore e hlomamiswe ho laola phethahatso ya Leano la Puo ke Diyuniti tsa Puo, Foramo ya Naha ya Puo le Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo.
Lekgotla la Dipuo tsohhle Afrika Birwa la Dipuo tsohle (PanSALB) ke molekane wa lewa wa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ditabeng tsa puo. Ka hoo Lekgotla lena le na le seabo sa bohlokwa haholo ntshetsopeleng le kgothaletsong ya dipuo tsa molao tsa Afrika Borwa, ha mmoho le dipuo tsa Khue le San le Puo ya Afrika Borwa ya batho ba buwang ka matsoho. Mesebetsi e amanang le tlhomamiso ya metheo e metjha le mekgwa e tla etswa ka tshebedisano e matla le PanSALB.
Dikomiti tsa Puo tsa Diprovense (PLCs) di tla lokela ho sebedisana haholo le diprovense ditabeng tsa puo tse amang diprovense tsa tsona tse ikgethang.
Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs) di tla nne di tswela pele ho ntshetsa pele dibuka tsa pokello ya mantswe kapa didikshenari ka dipuo tsohle tsa molao. Di tla lokela hore di hokelwe ho Karolo ya Kgokano ya Mareo ya Moifo wa Naha wa Puo. Metjha ya tlaleho leha ho le jwalo, e tla lokela hore e hlaloswe ka tsela e hlakileng.
Meifo ya Naha ya Puo (NLBs) ha e a botjwa feela ka ditho tseo eleng dibui tse antseng puo e amehang letsweleng, empa sekepele se seholo se sebediswang ho ba hlwaya ke hore ke batho ba nang le tsebo e ikgethang ya puo hobane ba lokela hore ba eletse Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka ditaba tse amanang le Tshwano, Leksikhokrafi, Mareo le Dingolwa. Ke balaodi mabapi le kananelo ya leksikhokrafi le tshwano puong.
Makgotla a etsang melao le Palamente ho latela sebopeho sa mesebetsi ya ona, jwalo ka ha e le tokelo ya ona, a lebeletswe ho fana ka ditshebeletso dipuong tsohle tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, maemo a lebatowa le ona a tla tsepamisa puo kapa dipuo tse tla sebediswa. Ka mantswe a mang, diprovense ha se hakaalo hore di lokela ho fana ka ditshebeletso tsa dipuo tse 11 kaofela. Diofisi tsa Hansard tse Palamenteng le diprovenseng tse fapafapaneng di na le seabo sa bohlokwa ho tshehetsa taelo ena. Ka hoo ke taba ya bohlokwa hore diofisi tsena di sebedisane le Diyuniti tsa Puo le metheo e meng e amehang.
Phethahatso ya Leano la Puo e tla etsa hore tlhokeho ya ditshebeletso tsa puo e eketsehe haholo, haholo phetolelo, ntshetsopele ya tlhaolo ya diphoso le mareo. Ho latela dipatlisiso tsa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) tsa 2001, metheo e ka etsang 40% ya mmuso le e etsang 80% ya diprovense e na le diyuniti tsa ho sebetsana le diphetolelo le dintlha tsa tlhaolo ya diphoso, empa diyuniti tsena di fapana ka boholo le mosebetsi. Ha Leano la Puo le se le sebetsa, ho tla hlokeha hore mafapha kaofela a mmuso wa naha le a diprovense a lokele hore a be le diyuniti tsa puo.
Diyuniti tsa Puo tse sebetsang ho laola phethahatso ya Leano la Puo di tla hlomamiswa mafapheng ohle a mmuso le provenseng e nngwe le e nngwe.
dipuong tse 11 tsa molao, mafapheng a naha a mmuso; kapa dipuong tse kgethilweng tsa molao provenseng e qoholehileng.. Mosebetsi wa ho lebisa mosebetsi o lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete o tla tsamaiswa ho latela leano la diphetolelo le la ho hlaola diphoso la ho lebisa diphotelolo bafetoleding ba poraefete, le lebeletsweng hore le tsepamise taba ya ho ntshuwa ha dithendara tsa ditshebeletso tsa diphetolelo le tlhaolo ya diphoso bonyane dilemong tse ding le tse ding tse pedi.
Diyuniti tsa Puo e tla ba tsona tsa bohlokwa ho etsa bonnete ba tshebediso ya ka dinako tsohle ya dipuo tsa molao ho latela tlhoko ya Leano la Puo. Diyuniti tsena di tla tshehetsa mekutu ya phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mosebetsi wa diyuniti tsena e tla ba ho laola phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata lefapheng le ikgethang kapa provenseng le ho buisana le mafapha a mang a ditabeng tsena tsa puo.
Tlhomamiso ya Leano la Puo lefapheng kapa provenseng.
Ho tlisa temoso ya Leano la Puo le Khoutu ya Puo ya Boitshwaro kahare ho lefapha la provense.
Tsamaisong le ho fana ka thuso ya tshebeletso ya diphetolelo kaofela le tshebeletso ya ho hlaola diphoso, kahare kapa mosebetsing o isitsweng ho bafetoledi ba poraefete.
Ho bala ka morero wa ho lokisa diphoso le kgatiso ya ditokomane ka dipuo tsa molao.
Ho thusa ka tshebediso ya ditshebeletso tsa botoloki dipuong tsa molao.
Keletso ya lefapha le diprovense ka tshebediso ya puo (ya molomo le e ngotsweng).
Taolo le ho thusa ka mananeo a thupelo bakeng sa bathaotuwa ba batjha diphetolelong, tlhaolong ya diphoso le ntshetsopeleng ya mareo, le mananeong a puo.
Tshebedisanong le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa DAC le PanSALB mohlala, dikomiti tsa diprovense tsa puo, meifo ya naha ya puo le diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi ho ntshetsa pele mareo.
Ho sebetsa jwalo ka monamodi dipakeng tsa lefapha kapa provense le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) le kapa Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika (PanSALB) mabapi le tshehetso ya ntshetsopele le thupelo eo DAC le kapa PanSALB di fanang ka yona.
Ho kgothaletsa tshebediso ya puo e tlwaelehileng Tshebeletsong ya Setjhaba.
Diyuniti tsa dipuo kaofela tse hlokwang ke Leano di lokela hore di be di hlomamisitswe mafelong a 2005.
Ho tla thehwa Foramo ya Naha ya Puo e nang le marangrang a tshebedisano a baemedi ba tswang mekgatlong ya mmuso le mekgatlong eo eseng ya mmuso. Foramo ena e tla kopana dikgweding tse ding le tse ding tse tharo. E tla botjwa ka baemedi ba tswang mebusong ya diprovense le ba tswang mmusong wa naha bao e tla ba karolo ya tshebetso ya ho kenngwa tshebetsong ka hanyane hanyane, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) le metheo ya teng. Ka lebaka la ho potlaka ho ka bang teng, moemedi ya tswang Lekgotleng la Dibaka tsa Thuto ya Thesheari o tla lokela hore a kene Foramong ena.
Sepheo sa Foramo ya Puo ke ho kgothaletsa puisano ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso dipakeng tsa basebedisi ba puo le ditsebi tlasa boetapele ba Lefapha la Bokgabo le Botjhaba. Maikutlo a tla tsepamiswa haholo kgokahanong ya metheo e fapafapaneng le ditshebeletso tabeng ya ho phethahatsa Moralo wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) ka sepheo sa ho eketsa kgokahano le tshebetso e ntle tshebedisong ya mehlodi. Foramo ena e tla fetoha lepatlelo moo ho fapanyetsanwang ka maikutlo le boitsebelo ka sepheo sa ho rala merero ya diprojekte le mesebetsi e meng e amanang le moo.
Mosebetsi o moholo wa Foramo e tla ba ho hlokomela mosebetsi wa phethahatso, le ho lekodisisa merero ya diprojekte ha mmoho le ho tadima tse lokelang hore di tliswe pele ho tse ding ekasitana le ho kganna matsholo a phatlalatso. Foramo e tla ba le mosebetsi wa ho theha marangrang a kgokano le tshebedisano ditabeng tsa phethahatso ya Leano la Puo. Ka hoo, maikutlo boholo a tla tsepamiswa ntshetsopeleng ya mareo le mererong ya diprojekte tsa puo ho thibela phetapheto efe kapa efe ya mekutu e etswang, mme ka ho etsa jwalo hona ho tla phahamisa poello matseteng a entsweng.
Ho etswa ha tlhahiso ya hore Foramo ya Naha ya Puo e amohelwe ka molao.
Lekgotla lena le tla kgethwa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji mme le tla botjwa ka motho a le mong ya thontsweng ke DAC, DoJ, PanSALB, SAQA, le Lekgotla la Thuto e Phahameng le batho ba tsheletseng ba thontshweng ke mekgatlo ya profeshenale le e meng sedikadikweng sena sa diphetolelo, botoloki, leksikhokrafi, mareo, tlhaolo ya diphoso puong le molao. Ditho tsa Lekgotla di tla ba tshebetsong nakong ya dilemo tse hlano, empa di tla kgona hore di ka abelwa mosebetsi kapa hona ho kgethwa hape nakong e fetang nako e le nngwe ya tshebetso. Lekgotla le tla hlomamiswa jwalo ka moifo wa molao ho latela Molao wa Palamente.
Sepheo sa Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa e tla ba ho phahamisa boemo ba profeshene ena le ho sireletsa boleng ba dihlahiswa. Lekgotla lena le tla sireletsa le setjhaba se sebedisang ditshebeletso tsa puo.
Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa le tla tsamaisa thupelo, kabo ya mangolo le ngodiso ya basebetsi ba puo ka morero wa ho phahamisa boemo ba profeshene ya puo le boleng ba dihlahiswa tsa puo ka beha le ho hlokomela maemo. Lekgotla le tla sebedisana le mananeo a thupelo a Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) le Balaodi ba Kabo ya Mangolo ba Afrika Borwa (SAQA).
Mekgwa e tla sebediswa ho phethahatsa Leano lena la Puo ke ntshetshopele ya mareo, phetolelo le tlhaolo ya diphoso, theknoloji ya puo, khoutu ya boitshwaro ya puo, tataiso ya ditshebeletso tsa puo, tlhakiso tsa puo le dipatlisiso, matsholo a temoso ya puo, Tshebeletso ya Phetolelo ya Founu ya Afrika Borwa, Pokello ya lesedi, ntshetsopele ya Puo ya batho ba sebedisang matsoho ho buwa, boithuto ba puo le ditekanyetso.
Phethahatso ya Leano la Puo e tla tswala hore ho be le tlhokeho e kgolo ya diphetolelo le tlhaolo ya diphoso, ntshetsopele ya mareo a makala a fapaneng a bophelo e tla hlokeha haholo, mme ho tla hlokeha tshebedisano le baamehi kaofela, diyuniti tsa puo le meifo ya puo (mohlala, dibopeho tse tlasa PanSALB tse kang diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi, meifo ya naha ya puo le dikomiti tsa provense tsa puo). Karolo ya Kgokahano ya Mareo (TCS) ya Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) e tla fumana tshebedisano ya sebele ka puisano le Foramo ya Naha ya Puo. Sesiu sa Naha sa Pokello ya Mareo sa khompeuta se tla thehwa ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ho thusa ka mokgwa wa hore ho finyellwe le ho qhalanngwa ha mareo ka dipuo tsohle tsa molao. Sesiu sa Mareo se tla kgona ho ka fihlellwa ka tsela ya Inthanete le se tla dula se ntjhafatswa bonyane hang ka kgwedi.
Tshebeletso ya Naha ya Puo nakong ya hona jwale e tshwarahane le merero e itseng ya diprojekte ka sepheo sa ho theha sesiu sa lesedi sa mareo a tshebediso ya dipuo tse ngata se kenyeleditseng mahlakore a fapaneng a lesedi, se nang le monyetla wa hore ho ka hlahiswa manane a mareo ka metswako e fapafapaneng ya puo ka sona. Ho latela ditlhoko tsa mosebedisi ya itseng kapa dikopo tsa mananeo a jwalo a mareo a ka boelang a fana ka lesedi le kang la ditlhaloso, dipolelo tseo eleng mehlala, moelelo, le mohlodi wa dikgatiso.
Ho tla kgothaletswa tshebedisano ya mahlakore a mangata le dinaha tsa Afrika e ka Borwa mabapi le ntshetsopele ya dipuo tse sebediswang ha mmoho le ba ka mose wane ho meedi ya rona.
Ha jwale ho bonahala ho na le metheo e sa phethahalang ya botoloki, diphetolelo, le tlhaolo ya diphoso. Leha diyuniti tsa puo di tla ba le seabo se seholo tharollong ya qaka ena ho fihlela kaekae, ho tla ke ho hlahlojwe sekgeo se seholo se teng dipakeng tsa tlhokeho le ho batleha ha ditshebeletso tsa puo ha mmoho le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse jwalo.
Tataiso ya Leano la Diphetolelo le Tlhaolo ya diphoso e reretswe ho fana ka tataiso diphetolelong tsa kahare, ntlheng ya ho hlaolwa ha diphoso le tlhatlhobong ya ditokomane ha mmoho le ho romela ditokomane tse lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete ka maikutlo a ho ntlafatsa taba ya ho finyeletsa tshebeletso le ho nehelana ka dihlahiswa tsa boleng bo hodimo.
Kaho ya bokgoni, haholoholo diphetolelong, tlhaolong ya diphoso, botoloking, ho leksikhokrafi le mareong, e tla hlokeha molemong wa katleho ya phethahatso ya Leano lena. Thupelo e mabapi le taolo ya tshebediso ya puo e tla rarollwa ke mananeo a thupelo a hlophisitsweg ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka tlatsetsano le bafepedi ba ditshebeletso ba nang le mangolo.
Ho tla buisanwa le bafepedi ba tshebeletso ka mananeo a tswang ka mothamo bakeng sa basebetsi ba sebetsang ka puo ba seng ba ntse ba le teng, mme ho tla fanwa ka matlole a thuso ya ditjhelete bakeng sa bathaotuwa ba batjha le basebetsi ba seng ba le teng ba puo. Mananeo a thupelo a tla kenyeletsa dithuto tse kgutshwanyane, mananeo a thupelo a batho ba seng ba ntse ba le mosebetsing le mananeo a thupelo a nako e feletseng.
Tshebedisano le SAQA, Lefapha la Thuto (DoE) le mekgatlo ya thuto, hara mekgatlo e meng, e tla ba ntho ya bohlokwa haholo ntlheng ya ho rarolla bothata ba kgaello ya basebetsi ba puo ba profeshenale. Ditlhoko tsa Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) di tla lokela hore di sekehelwe tsebe ha ho ralwa le ha ho nehelanwa ka mananeo a thupelo.
Tshebeletsong ya Setjhaba hore bahlanka bohle ba tshebeletso ya setjhaba ba ithute puo le ntshetsopele ya tsebo e ntle ya dipuo tse ding ntle le dipuo tseo ba di antseng letsweleng ke ntlha ya bohlokwa ya tshebetso e kgabane ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Lefapha la DAC le tla ntshetsa pele dikgothaletso tse itseng ka tshebedisano le PanSALB, DoE le DPSA e le ho kgothaletsa bahlanka ba setjhaba hore ba kgone ho sebedisa dipuo tse ngata ka ho ithuta le ho hlokomela dipuo tse ding hape.
Theknoloji e lokela hore e sebedisetswe ho thusa hore ho be le tshebedisano dipakeng tsa ba amehang puong ha mmoho le ho ntshetsa pele dipuo tsa kwano. Theepa ya Khompeuta e tshwanang le mananeo a khompeuta a 'word processing', mekgwa ya taolo ya mareo, le theepa ya mananeo a khompeuta a phetolelo e lokela hore e tsamaelane e le ho kgothaletsa phapanyetsano ya mareo le lesedi le leng le le leng dipakeng tsa diyuniti kaofela tsa puo le mahatammoho a mang a kang Hansard le Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs).
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka morero wa ho arabela tlhokeho ya ho potlakisa ntshetsopele ya dipuo tsa kwano le ho fumana ekasitana le ho tsamaisa 'digital text' e kgonang ho sebediswa hape le 'speech data', le tsitlalletse kaho ya bokgoni le ho nehelana ka moralo wa theknoloji ya lesedi. Dipuo tsa kwano di tla tshehetswa ke mawa a matjha a ntshetsopele a sebedisang theknoloji e ntjha, mateano a mahlakore a fapaneng le tshebediso.
Khoutu ya Puo ya boitshwaro ya bahlanka ba setjhaba e tla lokodisa ka moo bahlanka ba setjhaba ba lokelang hore ba buisane ka teng le ho tswakatswakana le setjhaba hore ba kgone ho fana ka tshebeletso e sebetsang hantle. Khoutu ya Puo ya boitshwaro e tla kenyeletsa le metheo ya Batho Pele ho latela ka moo Tshebeletso ya Setjhaba e nang le boitlamo ba ho nehelana ka lesedi le phethahatseng ka teng, le le nepahetseng ho setjhaba se hlokang thuso eo ka puo eo ba e utlwisisang hantle. Khoutu e tla toboketsa hore ha ho motho kapa mohlanka wa setjhaba ya lokelang hore a tehelwe ka thoko kapa a behwe ka mosing ka taba ya tshebediso ya dipuo.
DAC le DPSA mmoho le ho rerisana le mafapha a mang a mmuso, di tla ntshetsa pele le ho hasanya khoutu jwalo ka ha Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o lohothwang o entse monyetla o jwalo. Letona le tla phatlalatsa melawana e mabapi le khoutu ena Koranteng ya Mmuso ho ella mafelong a 2005.
Ha mmoho le taba ya phatlalatso Koranteng ya Mmuso, ho tla hasanngwa karolo ya puo e bonolo ho etsa bonnete ba hore bahlanka ba setjhaba ba lemoha khoutu eo.
Ho tla etswa lenane la ditshebeletso tsa puo (mohlala, pokello ya lesedi le nang le mabitso a mekgatlo ya boemedi/dikhampani kapa diyuniti tsa puo, ditshebeletso tsa diphetolelo, tlhaolo ya diphoso, le tshebeletso ya mareo ekasitana le moralo wa dipuo). Dikhopi tsa lenane lena di tla hasanngwa mafapheng a mmuso wa naha le wa diprovense, ha mmoho le mekgatlong ya puo ekasitana le diyunivesiting. Lenane lena le tla fumaneha le websaeteng ya DAC mme le tla dula le ntjhafatswa ho ya ho ile. Taolo e sebetsang hantle ya phethahatso ya leano e tla matlafatswa ke hore ho fanwe ka lesedi ka mehlodi e fumanehang ha mmoho le mekgatlo ya puo.
Ho boetse ho na le tlhokeho ya lepatlelo le tla sebediswa ke bohle kapa sesebediswa se reretsweng mosebetsi wa ho bokella le ho hasanya lesedi ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso, mekutu e etswang le ditshekamelo (boholo sena se lokela ho etsahala boemong ba naha, empa le boemong ba lebatowa (Afrika e ka Borwa) le boemong ba matjaba).
Maikemisetso ke ho ntshetsa pele phapanyetsano ya lesedi, le diphuputso ha mmoho le tshebedisano dipakeng tsa mekgatlo ya boemedi ya taolo ya puo ekasitana le bathong ba nang le thahasello. Ho phaella ho lengolo la ditaba le tla hlahiswa kgweding tse ding le tse ding tse tharo, ho tla thakgolwa le websaete e tla dula e hlokometswe.
Lesedi le loketseng le dinyehelo tse tswang ho baamehi le tla tsongwa haholo ke Tshebeletso ya Naha ya Puo (NLS).
Phethahatso e tswelang pele motjha o tjhele le e sebetsang hantle ya leano ha mmoho le tekolo e tla hloka lesedi le nepahetseng ka dipaterone tsa tshebediso ya puo le ditlwaelo tse teng hona jwale hore ho tle ho fumanwe matla le mefokolo ya Leano le ho hlokomela katleho. Dipatlisiso tsa Puo le ditlhakiso di tla thusa mmuso ho etsa qeto tse nang le kutlwisiso mabapi le Phethahatso ya Leano la Puo.
Diyuniti tsa puo di tla hlokeha ho etsa ditlhakiso tsa mahlale a teng a puo le bokgoni mafapheng a tsona kapa a provense. Lesedi lena e tla ba la bohlokwa haholo mabapi le ho thaotha, ho phethahatsa Khoutu ya Puo ya Boitshwaro le ho fumana ditlhoko le ditlhokeho tsa lefapha le ikgethang kapa provense.
Matsholo a temoso ya Puo a hlokeha hore ho tsosoloswe tjantjello ya setjhaba ditabeng tsa puo.
tlisa temoso ya melemo ya ho phela hara setjhaba se buwang dipuo tse ngata; le etsa bonnete ba kutlwisiso e nepahetseng le botoloki ba leano maemong ohle; Diyuniti tsa puo (tsa naha le tsa diprovense), DAC le PanSALB di tla etsa matsholo a ikgethang a temoso ya puo. Mafapha a mmuso kapa bahlanka ba setjhaba ka lebaka la seabo sa ona sa bohlokwa phethahatsong ya leano la puo e tla ba ona a habilweng ho feta dilemong tse pedi tse qalang ho sekehela temoso ena ya puo tsebe ho feta. Matsholo a tobisitsweng setjhabeng ka kakaretso le ona a tla etswa ka nako yona eo. Theepa ya papatso ya mefuta e fapafapaneng (mohlala, dipapatso tse tla etswa dipampiring tsa dikoranta le mangolong a ditaba a tla qhalanngwa) mme ho tla etswa le dikgokahano tsa puisano le boraditaba mabapi le letsholo le leng le le leng.
Tikolohong ya moo ho sebediswang dipuo tse ngata botoloki ba founu bo thusa Mmuso ka mokgwa o baballang tjhelete wa ho rarolla bothata ba kutlwisiso ya puo le ho nehelana ka tshebeletso tse lekanang tseo ho fanwang ka tsona ke mmuso. Mokgwa ona wa ho toloka ke tsela e batlang e le bobebe le e baballang tjhelete ya ho notla tsela e neng e lokela hore e tsamauwe ho leba sebakeng seo tshelebeletso e hlokehang ho sona ka ho kgona ho fumana toloko founung. Botoloki ba founu bo loketse haholo tikoloho ya Afrika Borwa moo ho sebediswang dipuo tse ngata, moo monyetla wa thuso ya ditshebeletso tsa puo o ka hlokehang ka nako e kgutshwanyane maemong a tshohanyetso le dintlheng tsa moo ho thuswang batho jwalo ka ditliniking le diteisheneng tsa mapolesa, moo dipuo tse tla hlokeha le nako ya ditherisano e batlang e sa tsejwe.
Nakong ya jwale DAC e ntse e tshwere Tshebeletso ya Botoloki ba Founu ba Afrika Borwa (TISSA) ya teko ka morero wa ho fuputsa monyetla wa tshebeletso ya botoloki ba founu mona Afrika Borwa. Tshebeletso ena e ntse e hlahlojwa diteisheneng tse 70 tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le boemong ba mmuso wa selehae ditliniking tse 11 tse itseng le dikhaontareng tsa tshebeletso ya batho tse 8 tsa Lekgotla la Motsemoholo wa Tshwane.
PanSALB e se e hlomamisitse di-NLB ho ntshetsa pele, ho kgothaletsa le ho fumana dikarolo tse lokelang ho tadingwa pele ho tse ding bakeng sa ntshetsopele ya puo tsa Khoe, San le Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ka sepheo sa ho phahamisa boemo ba dipuo tsena. Metheo e meng e teng e kgothaletsang ntshetsopele ya Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ha mmoho le merero ya diprojekte tsa mose wane ho meedi ya rona e tla tshehetswa le yona. Tshebedisano ya baamehi e tla ba ya bohlokwa haholo mabapi le taba ena.
Boraditaba ba tla ba le seabo se seholo ho tlisa temoso ka Moralo wa tshebetso wa Leano la Puo. Sepheo sa ho sebedisa boraditaba e tla ba ho toba setjhaba ka morero wa ho ba ruta ka dikahare tsa Leano hore ba be le kutlwisiso e nepahetseng ya ditokelo tsa bona le boikarabelo ba bona. Thuso ya boraditaba ka letsholo lena la ditaba tsa Leano la Puo e tla matlafatswa. Ho phaella hodima ditaba tsa dikoranta le tsa ilektroniki, ho tla sebediswa websaete ya DAC ho bapatsa tshebediso ya dipuo tse ngata. Mafapha a mang a mmuso le ona a tla kgothaletswa ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tse ngata diwebsaeteng tsa ona ha mmoho le dikgatiso tsa kantle.
DAC e tla sebedisa SABC le boraditaba ba bang ba dikgokahano jwalo ka diteishene tsa poraefete tsa radio ho kgothaletsa tshebediso ya tshebediso ya dipuo tse ngata. Mohlala, NLS nakong ya jwale e tshwere letsholo la morero wa projekte ya ntshetsopele ya mareo le seteishene se seng sa baahi.
Kakanyo ya ditshenyehelo tsa morero ona e ileng ya etswa ke Ramatlotlo wa Naha le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka 2001 e ile ya bontsha hore ditshenyehelo tse akanywang tsa phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata ka mokgwa o sebetsang ke tse ka kgonehang mme di ka etsetswa monyetla ka ho tlisa diphetoho tse nyenyane feela ditekanyetsong tse rerilweng tsa ditjhelete. Kakanyo ya ditshenyehelo e ile ya etswa ho latela mokgwa wa ho potolosa dihlopha tse nne tsa puo mme ho ile ha fumanwa hore sena se tla hloka keketso ya ditekanyetso tsa ditjhelete e ka tlase ho 1%. Tshebediso ya dipuo tse tsheletseng, ho latela NLPF, e tla tlisa ditshenyehelo tse batlang di le hodimonyana empa di keke tsa tlola 2%.
f Sesotho, Setswana, Sepedi sehlopha sa dipuo tsa seSotho. Mekgatlo yohle ya mmuso e lokela hore e nehelane ka tshehetso e lekaneng ya ditjhelete bakeng sa phethahatso ya Leano la Puo le tsamaelanang le didikadikwe tsa Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete wa Nako e Mahareng MTEF, ka mokgwa o tla kenngwa ka hanyane hanyane ho tloha maqalong a selemo sa ditjhelete sa 2003/4.
Palo ya dikgatiso lefapheng le leng le le leng g Thupelo ya motjha o tjhele ya Moifo wa basebetsi ba Yuniti Theepa ya boemo bo tlwaelehileng e kang ya Tsamaiso mohlala, ho tloswa ha basebetsi ho ba isa sebakeng se seng sa tshebetso, ho tsamaya ha bona, bodulo, ofisi le ditshenyehelo tsa founu, le palo ya theepa e teng polokelong dibukana, kgatiso, ho etswa ha ditokomane, theepa e sebedisetswang ho ngola, theepa ya ofisi theepa e nngwe e kang dikhompeuta, theepa ya odiyo, theepa ya founu, kaofela ke dintho tse nang le tshusumetso ditshenyehelong. Lenane le bontshitshweng setshwantshong se ka tlase le fana ka kakanyo ya ditshenyehelo le papiso ya tsona bakeng sa yuniti ya puo ka nngwe e kenngwa ka hanyane hanyane nakong ya MTEF.
Mohlomong e tla ba ntho ya bohlokwa hore ho hlaloswe hore mosebetsi ona o tla kenyeletsa dintho dife leha ho ntse ho nketswe hloohong hore Mafapha a tla phethahatsa NLPF ho latela METF. Tshebetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete ya METF e simolla ka tlhohlomiso le tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tseo ho nehelanwang ka tsona pele ka Mmesa. Tjhoriso e tsamaelanang le moralo wa tshebetso wa moruo o batsi, leano la ditekanyetso tsa ditjhelete le DoR e tla etswa ho tloha ka Phupu ha Komiti ya Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEC) yona e tla boela e etsa dikgothaletso tsa yona. Tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tse nang le dintlha le ditokomane di tla etswa ka morao hoba Moralo wa tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEF) o ananelwe nakong ya Mphalane ya 2003.
Ngodiso ya leano tshebetsong ya naha le ya diprovense ya dintho tse lokelang hore di tadingwe pele ho tse ding.
Lefapha le nkele hloohong leano le moralo o batsi wa phethahatso.
Ntlha ya hore Lefapha le lokise moralo wa phethahatso le ho lekanya ditjhelete tsa ditshenyehelo.
Ntshetsopele ya kakanyo ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Lefapha.
Ho fumana mehlodi ya ditjhelete.
Mafapha le diprovense a tla jara boikarabelo ba ho etsa ditekanyetso tsa phethahatso ya NLPF mahlakoreng a fapaneng a puso ya ona.
Mafapha a tshebetso a tla thaotha moifo wa basebetsi ba Diyuniti tsa Puo mme DAC e nehelane ka thupello ho bona ba se ba ntse ba sebetsa boikarabelong ba bona, yona e tla sebedisana le bahlanka ba PanSALB. Mananeo a thupelo ya molao a tla ntshetswa pele (tadima 2.2.2).
Ho tla ba le diphapano tsa boholo ba diyuniti tsa mafapha a fapaneng ha mmoho le diprovense. Palo ya basebetsi ba sebetsanang le puo e hlokehang yuniting e nngwe le e nngwe ya puo e tla lokela hore e laolwe hore e kgeme le mananeo a Lefapha le a diprovense a dikgatiso ha mmoho le ditekanyetso tsa ditjhelete.
Boholo ba diyuniti tsa puo di tla tsepamiswa ke lenaneo la mosebetsi ha mmoho le bokgoni bo hlokehang ho tsamaisa le ho phethahatsa Leano. Mohlala, karolo ya moifo wa basebetsi e tla lokela hore e kenyeletse bafetoledi, bahlaodi ba diphoso, baradi ba puo, ba sebetsanang le mareo, ba leksikhokrafi, jwalo jwalo.
DAC e lemoha hore phethahatso ya Leano e tla tlisa diphephetso tse kgolo. Leha ho le jwalo Lefapha le tla itshetleha haholo tshebedisanong ya mahlakore kaofela a amehang hore a phethahatse maikemisetso ohle a boletsweng.
Ho fetisa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa Palamenteng 1. Ho nehelana ka moralo wa NLPF Khabineteng 2. Ho nehelana ka Moralo wa Phethahatso Khabineteng 3. Ho nehelana ka Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa Khabineteng 4. Ditherisano le Komiti ya Potfoliyo 5. Bili e tla tekwa ka Palamenteng 1. Leano le ananetsweng ke Khabinete 2. Moralo wa phethahatso o ananetsweng ke Khabinete 3. Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa e ananetsweng ke Khabinete 4. Kananelo ya Komiti ya Potfoliyo 5. Bili e fetisitsweng ebile e amohetswe Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) 1. 5 Tlhakola 2003 2. Tlhakubele 2003 3. Phupjane 2003 4. Phupu 2003 5.
Ho phatlalatsa melawana tlasa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa 1. Diyuniti tsa Puo 2. Khutu ya Puo ya Boitshwaro ya Tshebeletsong ya Setjhaba 1. Diyuniti tsa puo tse sebetsang 2. Khoutu ho latela ditlhoko tsa Leano. Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) le Lefapha la Tsamaiso ya Tshebeletso ya Setjhaba (DPSA) 1. Mphalane 2003 2.
Ho hlomamisa diyuniti tsa puo 1. Tlhakiso ya mahlale a puo le bokgoni ho thusa ka monyetla wa thaotho moifong wa basebetsi ba teng 2. Moifo wa basebetsi o tla thaothwa o be o fuwe mosebetsi 1. Lesedi le nepahetseng le bontshang boemo ba puo mekgatlong ya mmuso 3. Ka tsela e tsamaelang le dithoko le tlhokeho Mafapha a amehang le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) 1. Mmesa 2004 2.
Ho hlomamisa Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo Ho hloma moifo o tla thusa ho fana ka mangolo ho bafetoledi, ditoloko, ba mareo, le ba leksikhokrafi, le ho laola profeshene ena 1. Ngodiso ya basebetsi ba puo ba profeshenale Afrika Borwa 2. Basebetsi ba profeshenale ba nang le mangolo 3.
Ho phahamisa boemo ba dipuo tsa Se-Afrika ho kenyeleditswe le Khoe, San le Dipuo tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa 1. Ho tshwara matsholo a temoso ya puo 2. Ho fumana ditaba tse ding tsa puo tseo e eleng bothata ba naha 3. Ho totisa temoho ya seabo sa mokgatlo wa 1. Tshehetso ya mekgatlo ya mmuso ho latela phethahatso ya Leano 2.
Ho ntshetsapele dipuo tsa Se-Afrika le Dipuo tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa 1. Ho fumana dibaka tse loketseng hore di tadingwe pele ho tse ding 2. Ho tshehetsa metheo e teng ho kgothaletsa ntshetsopelo 3. Ho hlomamisa le ho thusa metheo kapa mananeo a amehang ntshetsopeleng ya puo 4. Ho tshehetsa merero ya diprojekte tsa dipuo tse arolelanwang le dibaka tsa mose ho meedi ya rona 1. Didikshenari tsa mantswe a theknikale 2. Mengolo 3. Melawana ya mopeleto le kerama 1. PanSALB, DAC le makala a baahi feela ba tlwaelehileng 2. PanSALB, di-PLC, di-NLB, di-NLU, DAC, dibaka tsa thuto, dibaka tsa diphuputso, ba mekgatlo ya poraefete, batho ka bobona, mekgatlo ya basebetsi ba profeshenale, di-NGO, di-CBO, le mafapha a mmuso 3. PanSALB, di-PLC, di-NLB, DAC, dibaka tsa thuto, dibaka tsa diphuputso, mekgatlo ya basebetsi ba profeshenale, di-NGO, di-CBO, le mafapha a mmuso 4.
Moralo wa phethahatso o thehilwe hodima kgopolo ya hore Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o tla qala ho sebetsa ka Loetse 2003.
Ho ikamahanya le Leano la puo 1. Ho kgetha Komiti ya Leano la Puo 2. Ho tshwara wekshopo ya ditherisano le moifo wa basebetsi 3. Ho rala Leano la puo 4. Ho etsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa phethahatso e tla nneng e eketswe ho ya pele (selemong sa 1 e tla ba 30%; selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e tla ba 100%) 1. Leano le kgotsofatsa ditlhoko tsa NLPF 2. Tshehetso ya Moifo wa tshebetso 3. Leano la Puo le kgemang ha mmoho 4. Tshehetso ya ditjhelete ya phethahatso ya Leano 1. Batsamaisi ba baholo 2. Batsamaisi ba baholo 3. Batsamaisi ba baholo 4. Molaodi ya akaretsang 1. Mphalane 2003 2. Pherekgong 2004 3.
Tlhomamiso ya yuniti ya puo 1. Qeto ka boholo ba Yuniti ya Puo 2. Tlhakiso ya mahlale a puo le bokgoni ba moifo wa basebetsi 3. Ho thaothwa ha moifo wa basebetsi wa bafetoledi ba 6 le ditlereke tse 2 : . Papatso . Dipuisano tsa mosebetsi le ho kenngwa mosebetsing ha basebetsi 4. Thupelo ya moifo wa basebetsi 1. Kabo ho latela tlhoko tsa mananeo a dikgatiso 2. Lesedi le nepahetseng le bontshang mahlale a puo, mangolo a thuto le maemo a tsebo ya puo ya moifo wa basebetsi 3. Bafetoledi ba tsheletseng ba ba dihlopha tse tsheletseng tsa dipuo Nguni, Sotho, Tshivenda, Xitsonga, 1. Batsamaisi ba baholo 2. Dikgokahano 3. Ba khiro ya basebetsi HR ka tshebedisano le NLS 4. NLS 1. Pudungwane 2003 2. Pudungwane ho isa ho Tshitwe 2003 3. Pherekgong ho isa ho Mmesa 2004 4.
Ho matlafatsa kutlwisiso ya Leano la puo 1. Diwekshopo tsa moifo wa basebetsi ba DoE ka Leano la Puo le boikarabelo ba bona le ditokelo ho latela Molao wa Dipuo 1. Tshebediso e nepahetseng ya Leano la Puo 2.
Ho fetolela le ho hlaola diphoso ho latela leano 1. Phetolelo le tlhaolo ya diphoso ya ditokomane e tla kenngwa tshebetsong ka hanyane hanyane (selemong sa 1 e tla ba 30%; selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e tla ba 100%) 2. Taolo ya ho lebisa mosebetsi wa diphetolelo basebetsing ba fetolelang ba kantle: . Taolo ya boleng.
Ho hatisa ditokomane ho latela Leano 1. Ho fihlela tumellano ya mosebetsi wa ho hatisa ditokomane le bahatisi ho hatisa ditokomane ho latela tsela ya ho etsa mosebetsi ona ka hanyane hanyane selemong sa 1 e tla ba mosebetsi wa 30%;selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e Dikgatiso tse kgotsofatsang ditlhoko tsa Leano la Puo Yuniti ya Puo, Dikgokahano Phupjane 2004 ho ya pele tla ba 100% ya mosebetsi 2.
Ho sebedisana le NLS 1. Ho kenela diseminara tsa puo tse mabapi le phethahatso ya Leano, phetolelo le ditaba tsa tlhaolo ya diphoso 2. Ho nehelana ka mareo ho NLS ka morero wa ho tshehetsa ntshetsopele ya puo le kgokahano ya mareo 1. Ho finyella diseminareng kgafetsa 2.
<fn>GOV-ZA. Importanimalsandanimalproducts.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya ditswantle bongaka ba diphoofolo e ya hlokeha bakeng sa ho tlisa diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo ka hara Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Ho na le ditumellano tsa bohlokwa tse entsweng bakeng sa diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo. Jwalo ka ha ditlhoko tsa bophelo bo botle di fetoha nako le nako, o kotjwa hore o iteanye le ba Bolaodi ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo hore o fumane ditlhoko tsa moraorao.
Tlatsa foromo ya kopo. Iteanye le ba Bolaodi ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo ha o se na bonnete ba hore ke foromo efe eo o lokelang ho e tlatsa.
O ko tjwa hore o ele hloko: Motho ya tlisang thepa ho tswa ka ntle o na le boikarabelo ba ditefiso tsa banka ekasitana le ditefiso tsa Banka ya Naha tsa Ka Ntle . Lefapha le ke ke la fana ka phemiti haebe tefello e felletseng ya ZAR110 ha eso ka e fumanwa.
Tjheke e ngotsweng ka lebitso la Director-General: Agriculture, e ka hokelwa foromong ya kopo mme ya posetswa atereseng ena e ka hodimo.
Ditefello di ka etswa hape le diofising tsa Lefapha la Temo tse boletsweng tlasa sehlooho se reng Bao o ka Iteanyang le bona mmoho le dibaka.
Ha o etsa kopo lebitsong la motho e mong, o kotjwa hore o etse bonnete ba hore o lefa lebitsong la motho eo kapa khampani eo.
Ha ho na kopo e tla sebetswa ntle le bopaki ba tefello. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bo lokelwa ho romelwa ka fekse nomorong ena: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.
Bolela foromong ya kopo hore na phemiti o tla e lata kapa o batla hore o romelwe yona ka poso.
Quarantine Officer e tla hlophisa sebaka sa bodulo ho Quarantine Station mme e lokela le ho tlatsa karolo e tshwanetseng ya foromo ya kopo. Yona e tla be e se e kgutlisetswa morao ka fekse ofisng ya diphemiti, e be ho fanwa ka phemiti e tshwanetseng ya ditswantle.
Phatlalatso ya ho Lokollwa Ditlamong e lokelwa ho tlatswa mme e hokelwe foromong ya kopo. Foromo ena ya Phatlalatso ya ho Lokollwa Ditlamong hape e ka fumanwa Ofising ya Diphemiti.
Ka mora ho fumana foromo e tlatsitsweng ya kopo, ho tla fanwa ka Phemiti ya Ditswantle ya Bongaka ba Diphoofolo mmoho le Setifikeite sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo mme di romelwe ho wena ka ho otloloha.
Tsona di lokelwa ho tlatswa, ka Senyesemane, ke ngaka ya diphoofolo e dumelletsweng ho etsa jwalo ke ba Tsamaiso ya Bongaka ba Diphoofolo ba naha e romelang, mme hona ho etsuwe matsatsing a leshome pele ha ho tsamaiswa ha tsona.
Ha ho na le tlhahisoleseding e hlokehang mabapi le ditlhoko tseo e leng tsona-tsona tsa phoofolo kapa sehlahiswa sa phoofolo se itseng, ho ka fumanwa dikhopi tsa disampole tsa Phemiti ya Ditswantle ya Bongaka ba Diphoofolo le Setifikeiti sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo ho tswa Ofising ya Diphemiti.
Ha ho tliswa makoko a metsi kapa a ommeng le matlalo le di-trophy, foromo ya kopo e lokelwa ho tiisetswa ke ngaka ya diphoofolo ya mmuso sebakeng seo sebaka se tjhaetsweng monwang se leng ho sona. Foromo ya kopo e lokelwa ho saenwa hape le ho kengwa setempe ke ngaka e tshwanetseng ya diphoofolo ya mmuso, e tla romela hona hape ka fekse ofising ya diphemiti. Ke feela ha hona ho se ho fumanwe, ofisi ya diphemiti e tla fana ka phemiti ya ditswantle.
Ha ho tliswa diphoofolo tse phelang tsa polasing, tse jwalo ka dikgomo, dinku, dipoodi, dipere o lokela ho fumana phemiti ya ntlafatso ya diphoofolo pele ho ka fanwa ka phemiti ya ditswantle ya bongaka ba diphoofolo.
Ka bobedi diphemiti tsena tsa mantlha di lokelwa ho hlahiswa ho Mohlanka wa Bongaka ba Diphoofolo koung ya makeno, mmoho le Setifikeiti sa mantlha sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo tseo ho fanwang ka tsona ke naha e romelang.
Ho nka matsatsi a ho sebetsa a mararo ho isa ho a mane ho sebetsana le phemiti hang ho ba e ananelwe ke ngaka ya diphoofolo ya mmuso.
<fn>GOV-ZA. Importanimalsforspecificpurposes.2010-03-25.st.txt</fn>
diphontsho, dipepeso, ditlhodisano tshebediso ya makgulo bakeng sa kgwebo mokgabiso wa kgwebo makgulong kapa ho hlaba ka ho otloloha ho nehela mohlapeng o tswadisang.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla amohelwa mabapi le tshitiso efe kapa efe e ka bang teng.
Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Bakeng sa ditshebeletso tsa ngaka ya diphoofolo kapa nehelo ya nakwana ho mohlape wa ho tswadisa, tumello e tlameha ho fumanwa ho mokgatlo o amehang wa batswadisi.
Kopo e tla amohelwa nakong ya matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Importanimalvaccines.2010-03-25.st.txt</fn>
Diente tsa ho sebediswa ho diphoofolo di ka rekwa e le ditswantle mme tsa hasanngwa kapa tsa rekiswa Afrika Borwa hang hoba di ngodiswe ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Dinontsha, Diphepo tsa Mapolasing, Meriana ya tsa Temo le Meriana ya Diphoofolo, 1947.
Ha ente e sa ngodiswa mme e tla sebediswa ho teko, romela lengolo le saennweng le hlalosang pampiring e nang le lebitso la khampani ya hao ho Registrar of Act 36 of 1947 o kopa tumello ya ho kenya setswantle.
bongata lebitso la sehlahiswa metswako e sebetsang, ho kenyeletsa le ho loya naha ya sethatho eo se tswang ho yona mohlahisi nomoro ya thumelo ya setswantle leqephe la data ya botegniki kapa leibole e fupereng nomoro ya ngodiso le lekgotla le laolang la naha moo sehlahiswa se ngodisitsweng ho yona lediboho la ho kena sehlahiswa se hlokwa neng lebaka la hobane hona ho hlokwa bakeng sa diteko tsa ngodiso tsa setoko sa meriana.
maemo a ngodiso ya sehlahiswa dibakeng tse ding prothokholo e tebileng ya Teko , ho kenyeletsa le matsatsi a lebelletsweng a ho qadisa tlhokomelo e kgethehileng ya maemo a dijo ho tswa ho diphoofolo tse hlahisang dijo le boikarabelo ka dithethefatsi.
Ha ente e se e ngodisitswe bakeng sa tshebediso mona Afrika Borwa ho ya ka dipehelo tsa Molao 36 wa 1947, o hloka tumello e le nngwe feela ya bohlokwa, ho Directorate Animal Health. Romela kopi ya ngodiso ho ya ka dipehelo tsa Molao 36 wa 1947 mmoho le kopo ya hao.
Thusa o etse kopo ya tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo bonyane dibeke tse tsheletseng pele ho theko ya setswantle. Hang ha ngaka ya mmuso ya diphoofolo e amohetse kopo, ho nka matsatsi a mabedi ho ya ho a mararo a mosebetsi hore ofisi ya tumello e sebetse mme e ntshe tumello.
<fn>GOV-ZA. Importchemicals.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha o batla ho amohela setswantle sa dikhemikhale mona Afrika Borwa, o hloka tumello e ikgethang e tswang Ofising ya Letona la Kgwebo le Indasteri kapa diakgente tsa yona. Ofisi ya Letona e tla etsa qeto ya hore na ke molemong wa setjhaba ho amohela setswantle sa dikhemikhale.
Mehato ya taolo ya ditswantle e nehelwang ke tshebeletso ena e kgothaletsa taolo bakeng sa bophelo ba tikoloho le tshireletso, mmoho le ho kgotsofatsa ho bolokeha le boleng. Hape e etsa bonnete ba hore dikhemikhale di kgotsofatsa ditlhoko tsa tikoloho.
Ha o batla ho tseba haholwanyane e ya ho ba Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Nehelana ka kopi e tiiseleditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso le/ kapa lengolo la boemedi ha o etsa kopo bakeng sa khampani.
Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya hao.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Importofanimalsandgeneticmaterial.2010-03-25.st.txt</fn>
Tumello ya ho amohela ditswantle e tswang ho Registrar of Animal Improvement e a hlokahala pele o ka amohela ditswantle tsa diphoofolo kapa dintho tsa lefutso tse kang di-embriyo, di-ova kapa lero la botona mona Afrika Borwa.
Ha mokopi a sa saene kopo ka boyena, lengolo le nehang matla motho ya saenang jwalo ka akgente hore a saene kopo lebitsong la mokopi, le tlameha ho felehetsa kopo.
Ha mokopi a kene tumellanong le monehelani wa baditjhaba wa phoofolo kapa ntho e tla amohelwa jwalo ka setswantle tlasa dipehelo tseo dikabelo, ditefiso kapa ditesello di tla lefshwa ka hodima poreisi ya theko, kopo e tlameha ho felehetswa ke lengolo la tiiso la Molaodi Kakaretso wa Department of Trade and Industry la hore Lefapha le amohetse tumellano e jwalo.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
lesika le atolositsweng la ditswala tse pedi direkoto tsa tshebetso ya phoofolo lengolo la bopaki la tlhophiso ya madi.
Romela dikopo ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi kapa bolaodi bo ngodisang bakeng sa kgothaletso.
The Veterinary Import Permit e na le ditlhoko tse ikgethang tse tshwanelang ho pakwa ke Ngaka ya Diphoofolo ya Mmuso ya naha e romelang setswantle pele thoto ya setswantle e romelwa. Ditlhoko di ka fumanwa ho Mookamedi e Moholo: Bophelo ba Diphoofolo.
Kopo e ka hlophiswa nakong ya matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Importormovedairyproducts.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho hlokahala tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo ho kenya ditswantle tsa dihlahiswa tsa deiri Afrika Borwa kapa ho di tsamaisa ho feta hara naha.
Etsa kopo ya tumello bonyane dibeke tse tsheletseng empa e seng ka nqane ho dibeke tse robedi pele ho ketsahalo e rerwang.
Tlatsa foromo ya kopo.
Ha dihlahiswa di le tseleng e fetang Rephaboliking ya Afrika Borwa, nehelana ka kopi ya tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo ya naha eo thepa e tlang ho fella ho yona mmoho le kopo ya tumello ya ho feta ya ngaka ya diphoofolo ya Afrika Borwa.
Thusa o hlokomele: Moreki wa setswantle o na le boikarabelo bakeng sa ditefello tsa banka mmoho le ditefello tsa Dibanka tsa Ditjhaba Lefapha le ke ke la ntsha tumello ha tefiso e feletseng ya diRanda tse lekgolo e sa amohelwa.
Hape o ka etsa ditefo ofising ya Lefapha la Temo, le ngotsweng lenaneong tlasa dibaka tsa dikgokahano.
Ha o etsa kopo lebitsong la motho e mong, thusa o etse bonnete ba hore o lefe tlasa lebitso la motho eo kapa lebitso la khampani.
Ha ho kopo e tla hlophiswa ntle le bopaki ba tefo. Bopaki ba tefo bo ka romelwa ka fekse mona: 012 329 8292, bakeng sa tlhokomelo ya: Ina Labuschagne.
Bolela foromong ya kopo hore na o tla lata tumello kapa e romelwe ho wena ka poso. Botsa ofisi ya tumello ka founu hore na tumello e lokile pele o tlilo e lata.
Ha re fumane foromo e tlatsitsweng ya kopo, re tla ntsha mme re romele ho wena ka ho otloloha Tumello ya Setswantle ya Ngaka wa Diphoofolo mme le mohlala wa Lengolo la Bopaki la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo.
Lengolo lena la Bopaki la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo le tlameha ho tlatswa, ka Senyesemane, ke ngaka ya diphoofolo e nehuweng matla a ho etsa jwalo ke Veterinary Administration ya naha e romellang, mme e hatisitsweng pampiring ya bona e molaong ho sa feta matsatsi a leshome pele dihlahiswa di tsamaiswa.
Lengolo la Bopaki la Sethatho la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo.
Ditlhoko tsa setswantle di a fumaneha Ofising ya Ditumello kapa ho website ya Lefapa la Temo.
Ho nka matsatsi a mabedi ho ya ho a mararo a ho sebetsa ho hlophisa tumello ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso e e amohetse.
<fn>GOV-ZA. Importusedvehicle.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha o batla ho amohela setswantle sa sepalangwang se seng setjha kapa se sebeditseng mona Afrika Borwa, o hloka tumello e ikgethang e tswang Ofising ya Letona la Kgwebo le Indasteri kapa diakgente tsa yona. Ofisi ya Letona e tla fihlella qeto ya hore na hoo ho molemong wa setjhaba hore dipalangwang tse seng ntjha kapa tse sebeditseng di amohelwe jwalo ka ditswantle.
O tlameha ho nehelana ka foromo e balletsweng ya kopo ho etsa kopo ya ditumello tsa ho amohela setswantle. Ditumello tsa ho amohela ditswantle di a hlokeha bakeng sa diphahlo tsohle tse tlasa taolo ya mehato ya ditswantle.
Ditumello tsa ditswantle di hlokwa ho etsa bonnete ba hore diphahlo tse amohetsweng e le ditswantle ha di bolae indasteri ya South African Customs Union . Tshebeletso ena e kgothaletsa taolo ya ho bolokeha le mabaka a ho kgotsofatsa boleng.
Ntsha foromo ya kopo, IE 462.
Nehela Lefapha kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Nehela Lefapha kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya sepalangwang.
Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya hao.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Individualhousing.2010-03-25.st.txt</fn>
Saposidi e le nngwe ya ntlo ke thuso ya mmuso e fuwang batho ba batlang ho ba beng ba ditsha tse fumanang ditshebeletso. E dumella moamohedi ho kena konterakeng ya ho haha ntlo, kapa ho reka ntlo ya bodulo e ntseng e le teng mme e ntlafaditswe eo e seng karolo ya projeke e ananetsweng ya saposidi ya matlo.
Saposidi ena hape e thus a baamohedi ba tshwanelehang ba batlang ho eketsa disaposidi tsa bona ka ho fumana mokitlane, ekasitana le baamohedi ba sa tshwaneleheng ho fumana mokitlane.
moahi wa Afrika Borwa ya nang le phemiti ya saruri ya bodulo ya nyetseng kapa ya dulang le molekane wa nako e telele batho ba eso ka ba nyala ba ka hodimo ho dilemo tse 21 mme ba na le bahlokomelwa ba bona kuno ya kgwedi le kgwedi ya lelapa lohle e le R3 500 kapa ka tlase motho ya eso ka a ba monga thepa kapa yona ntlo pejana bakopi ba sa itekanelang ba etsang kopo bakeng sa mefuta e ikgethang.
Tlatsa foromo ya kopo e fumanehang feela Lefapheng la Matlo la Provinse, dibankeng le ho bomasepala.
Isa foromo ho conveyance ho ya tlatsa Karolo ya G.
Isa foromo ho Mokadimisani kapa setheong sa ditjhelete ho ya tlatsa Karolo ya H haebe ke dikopo tse amahantsweng le mokitlane.
Isa foromo ho contractor ho ya tlatsa Karolo ya I haebe ke matlo a matjha a sa tswa hahuwa.
Etsa kano ho Mokhomishenara wa Kano.
tokomane ya boitsebiso setifikeiti sa lenyalo setifikeiti sa tswalo bopaki ba kuno , le tokomane ya thekiso.
Maemo a tshebeletso a fapana ho ya ka mofuta wa kopo.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Informationfromthedeedsregistry.2010-03-25.st.txt</fn>
mabitso a felletseng le/kapa nomoro ya boitsebiso ya monga thepa, kapa bonyane letsatsi la hae la tswalo.
Erf number e nepahetseng le lebitso la lekeishene kapa polasi le nomoro, e seng aterese ya seterata.
e nepahetseng le lebitso la lekeishene kapa polasi le nomoro, e seng aterese ya seterata.
Bakeng sa ho fumana khopi ya deed kapa tokomane ho tswa deeds registry, o lokela ho ya ofising efe kapa efe ya di-deeds e ya tafoleng eo o tla fumana lesedi ho yona moo mohlanka a tla ho thusa ho tlatsa foromo e beuweng mme a ho hlalosetse le ka mekgwatshebetso kopa data typist hore a phenyekolle thepa eo bakeng sa hao mme o lefe tefello e hlokehang ofising ya cashier e be o nka setlankana o se kgutlisetse ho mohlanka ya leng tafoleng eo o fumanang lesedi ho yona. Nomoro ya setlankana e tla kengwa ho khopi ya thaetlele ya hao.
Phenyekollo e ka nka metsotso e 30 ho ya ho e 60. Ho tse ding tsa diofisi tse kgolo, khopi ya deed e ya poswa kapa o lokela ho e lata ka mora nako e itseng.
Mohlanka wa mane ofising ya di-Deeds o tla ho neha foromo hore o e tlatse.
<fn>GOV-ZA. Informationonanimaldiseasestatus.2010-03-25.st.txt</fn>
Lefapha la temo le fana ka tlhahisoleseding e mabapi le boemo ba mafu a diphoofolo tsa Afrika Borwa ho bohle ba nang le kgahleho.
Iteanye le ba Bolaodi ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo atereseng e mona ka tlase kapa e kene weposaeteng ya Lefapha la Temo.
Tlhahisoleseding ena e fumaneha ka potlako weposaeteng.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA. Internationalsocialservices.2010-03-25.st.txt</fn>
ISS e thusa batho kapa malapa a nang le mathata a itseng a botho kapa a kahisano, a hlokang tshebedisano-mmoho ya naha tse ding. Ke tshebeletso e fumanehang bakeng sa mang kapa mang ya naheng ya Afrika Borwa kapa mose ho mawatle.
Etsa kopo kantorong e haufi le wena ya di-social worker.
Hlalosa mathata le kopo ya hao ka bokgutshwane ka tsela e behilweng ke ISS. Kgutsufatso ena e tla totobatsa mathata a hao le tshebeletso eo o e hlokang naheng e nngwe.
Fetisetsa kgutsufatso ya hao moemeding wa profinsi wa ISS ofising ya ntlokgolo ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ya profinsi.
Moemedi wa profinsi o tla fetisetsa kopo ya hao ofising ya tshebeletso ya kahisano ya matjhaba ya Afrika Borwa, e Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba, Department of Social Development.
Etsa kopo ofisisng tsa lekala la ISS le naheng eo kapa ho moemedi wa lona.
Moemedi yeo o tla romela kopo ya hao ofising tsa ISS tsa Afrika Borwa.
Tshebeletso ya matjhaba ya kahisano e fumaneha ho ya ka tumellano ya tshebetso-mmoho, Affiliation Contract, e mahareng a Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ISS, ofising ya bongodi ka kakaretso ba General Secretariat.
Kopo di shejwa hanghang feela ha di fihla. Ha ofisi ya ISS ya Afrika Borwa e amohela kopo e tswang lefapheng la profinsi, e tla e fetisetsa lekaleng kapa moemeding wa ISS wa naha eo kopo e lebesitsweng ho yona. Karabo ya bona e tla itshetleha maemong a naha eo.
Ha ofisi ya ISS ya Afrika Borwa e fumana kopo e tswang naheng e nngwe, e e fitisetsa moemeding wa tikoloho wa profinsi, mme moemedi yeo o tla hlophisa hore ho be le social worker ya tikoloho e fuputsang kopo eo, mme e fane ka ripoto ho lefapha la porofinsi yeo. Ha ripoto eo e se e amohetswe, e tla lebiswa kantorong ya ISS ya Afrika Borwa, mme moo e tla hlahlojwa, ebe e fetisetswa ho bohle bao e ba amang, mme bona ba e bale, ba fane ka maikutlo a bona ba botse le dipotso kapa tlhakisetso.
Maemo kapa bolelng ba tsela eo ho thuswang mokopi ka teng ho netefatswa ke di-social worker tsa tikoloho le tsa profinsi, tse ikarabelang lebakeng leo ho shebanweng le lona, tse ofising ya ISS. Basebetsi ba mmuso ba tlameha ho latela tsela ya sthebetso e behilweng ke kantoro ya bongodi ka kakaretso ya ISS: General Secretariat.
Tshebeletso ena ha e lefellwe Afrika Borwa. Ho ka nna ha eba le tjhelete e lokelang ho lefshwa bakeng sa tshebeletso tse itseng, naheng tse ding. Ditshenyehelo tsena di fapana ho ya ka dinaha.
Ha ho na foromo tse lokelang ho tlatswa.
<fn>GOV-ZA. IssuanceofISTAcertificates.2010-03-25.st.txt</fn>
Setifikeiti se Lamunu ho fanwa ka sona ha sampole e nkuwe semmuso ho lot mme dihlahlobo di etswa tlasa bolaodi ba laboratori e tshwanang e anaetsweng eo e leng yona e ntshitseng sampole.
Setifikeiti se Tala se tswa ha sampole e nkuwe semmuso ho tswa peong tlasa bolaodi ba laboratori e ananetsweng empa dihlahlobo di etswa laboratoring e nngwe e ananetsweng naheng e fapaneng.
Setifikeiti se Bolou se ntshiwa ha sampole e se tlasa boikarabelo ba laboratori e ananetsweng mme laboratori eo e ananetsweng e na le boikarabelo feela bakeng sa ho hlahloba sampole.
Ditifikeiti tse Lamunu le tse Tala di sebetsa peong eo di nkuweng ho yona, ha Setifikeit se Bolou sona se sebetsa feela sampoleng e fumanweng bakeng sa hlahlobo.
Dinomoro tsa seed lot di tla ajwa e be kopo e kgutlisetswa morao ho wena ka fekse. E tla romelwa hape ka fekse ho mohlanka ya dumelletsweng wa tlhakiso diofising tsa lebatowa, e leng ya tla etsa disampole.
Ha di-seed lot di se di loketse ho etsa disampole, bitsa mohlakisi ho tla nka disampole.
Disampole di nehwa ba OSTS e be a hlahlojwa boleng mme ho fanwe ka setifikeiti se tshwanetseng.
Lefa tefello ya ho hlahlojwa ha peo. Ha o fumana disampole, o tla be o se o fuwa le tshupamolato.
Tefello e ka etswa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ho bohlokwa hore hobolelwe nomoro ya tshupamolato bakeng sa hore ba kgone ho amahanya tjhelete e kentsweng le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Etsa kopo ya Setifikeiti se Bolou ka lengolo le nang le di-letterhead tsa mokgatlo wa lona, hobane ho tshwauwa ha di-seed lot mmoho le ho etswa disampole tsa semmuso ho ke ke ha amohelwa.
Ha ho na molao o sebediswang.
Official Seed Testing Station ba beha ka pele lenaneng hlahlobo ya disampole tsa peo bakeng sa merero ya ho romela ka ntle. Mefuta e fapaneng ya dimela le maemo a fapaneng a hlahlobo ekasitana le nako ya hlahlobo di ka fapana ka matsatsi a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa.
OSTS e phehella ho nontsha disampole tsa peo ho tswa pokellong e le nngwe e tlasa maemo a tshwanang a hlahlobo. Hape ho ka kotjwa mefuta e fapaneng ya dihlahlobo bakeng sa tlelaente. Ka hoo, ha ho na tlhahisoleseding ya maemo a tshebeletso eo ho ka fanwang ka yona. Botsa sebakeng seo ka bosona.
<fn>GOV-ZA. Joinleanership.2010-03-25.st.txt</fn>
Learnership ke lenaneo la thuto le lebisang tabeng ya hore motho a fumane mangolo a mosebetsi. Di-learnership di kenyelletsa thuto ya ka tlelaseng setsing sa thupelo kapa kholetjheng le ho rupellwa mosebetsing o itseng sebakeng seo ho sebetswang ho sona. Hore o be le seabo ho learnership, ramosebetsi o lokela ho ba le kgahleho mme a be le bokgoni ba ho fana ka learnership.
Ke mang ya ka etsang kopo?
Mang kapa mang ya qetang sekolo, kholetjhe kapa yunivesithi mme a sa sebetse. Batho ba sa sebetseng ba lokela ho ingodisa jwalo ka batho ba ntseng ba batla mosebetsi Lefapheng la Mesebetsi.
Ha ho na tjhelete e lefiswang motho ya batlang ho kena ho learnership. Mang kapa mang ya kgethwang ho kena lenaneong la learnership o lokela ho fumana alawense ya learnership ho tswa ho ramosebetsi.
Nako e nkuwang ke learnership e tla fapana ka ho ya ka mokga ka mong empa ka tlwaelo e ke ke ya ba ka tlase ho selemo.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Nahana ka mofuta wa thupelo le mosebetsi oo o o batlang. Ka mantswe a mang, ha o batla ho ba ka ntle, o se ke wa etsa kopo ya mosebetsi wa ka ofising.
Bokgoni bo bong bo jwalo ka bokgoni ba dikhomputara; hore na o na le laesense ya ho kganna kapa the, jj..
Ingodise jwalo ka motho ya ntseng a batla mosebetsi setsing se haufi le lona sa mesebetsi. Hona ho tla thusa boramesebetsi ho o fumana ha ba batla ho qala learnership.
Kopa metswalle le ba lelapa ho sheba dikgeo le dipapatso dikoranteng.
Iteanye kgafetsa le ba setsi sa lona sa mesebetsi mme o dule o ntse o lokisa dintlha tsa hao ha di fetoha.
Nako e nkuwang ke di-learnership e tla fapana empa ka tlwaelo e ke ke ya ba ka tlase ho selemo se le seng.
Tshebeletso ke mahala.
Etsa kopo Lefapheng la Mesebetsi kapa setsing sa mesebetsi se haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Landinvasions.2010-03-25.st.txt</fn>
Ka bobedi mobu wa mmuso le mobu o leng matsohong a porafete ho ka ipehwa ho ona ka tsela e seng molaong.
Mmuso o na le mosebetsi oo o o nehwang ke molao wa motheo ho etsa bonnete ba hore - moo ho hlokehang le haebe ho na le mehlodi ya thuso - baahi bohle ba natefelwe ke ditokelo tsa bona tsa motheo tsa ho fumana mobu le/kapa phumantsho ya matlo. Moo ho nang le mabaka a ikgethang a jwalo ka boipehi ka bongata bo boholo, mmuso o na le boikarabelo bo tshwanang ba ho thusa beng ba mobu wa poraefete hore ho sireletswe mobu wa bona.
Moo baipehi ba sa lateleng molao bao ditokelo tsa bona tsa motheo di seng kotsing ba tshwanelwa ho suthiswa, bolaodi ba mmuso bo ikarabelang bakeng sa mobu wa mmuso o amehang kapa monga mobu wa poraefete o lokela, hore ntle le qeaqeo, a ye lekgotleng la dinyewe ho ya fumana taelo ya ho suthisa ka ho ya ka Molao wa Thibelo ya ho Suthiswa ka tsela e seng Molaong Boipehing bo sa lateleng Molao Mobung, 1998 . Molao ona ha jwale o tsamaiswa ke Lefapha la Phumantsho ya Matlo.
Batho ba se nang mobu wa temo ba ka ya Lefapheng la Ditaba tsa Mobu bakeng sa thuso ya ho fumana mobu o tshwanetseng wa temo. Batho ba batlang matlo ba ka ya ho masepala wa sebaka kapa, ha ho hlokeha, Lefapha la provinse kapa la naha ho ya fumana thuso.
ya lekgotleng la dinyewe ho ya batla taelo ya ho suthiswa ha baipehi bao ba seng molaong mobung wa mmuso o leng taolong ya ona ha feela ditokelo tsa motheo tsa baipehi bao ba seng molaong di sa sitiswe thusa baipehi ba seng molaong ba leng mobung ofe kapa ofe wa mmuso kapa wa poraefete ba hlokang mme ba se na mobu wa temo hore ba fumane mobu o tshwanetseng wa temo thusa bolaodi bo bong ba mmuso ho fumana mobu o mong o tshwanetseng bakeng sa baipehi bao ba hlokang matlo moo ho hlokehang le moo ho nang maemo a ikgethang, le tla thusa beng ba mobu wa temo wa poraefete oo ho ipehilweng mobung wa bona ntle le molao hore ho tloswe baipehi bao ba hlokang mobu wa temo o ya sebakeng se seng se tshwanetseng.
Moo ho ipehilweng ka tsela e seng molaong mobung wa poraefete mme ho se na maemo a ikgethang a leng teng, monga mobu o lokela ho ya lekgotleng la dinyewe ntle le tieho ho ya fumana taelo ya ho suthisa ka ho ya ka Molao wa Thibelo ya ho Suthiswa ka tsela e seng Molaong Boipehing bo sa lateleng Molao Mobung, 1998.
Moo ho ipehilweng ka tsela e seng molaong mobung wa poraefete mme ho se na maemo a ikgethang, monga mobu a ka ya ofising ya Lefapha la Ditaba tsa Mobu ho ya batla thuso haebe mobu oo o a hlokeha bakeng sa temo.
Moo ho ipehilweng ka tsela e seng molaong mobung wa poraefete mme ho se na maemo a ikgethang, monga mobu a ka ya ho masepala wa sebaka kapa, ha ho hlokeha Lefapheng la provinse kapa la naha la Phumantsho ya Matlo ho ya fumana thuso haebe tlhokeho ya bohlokwa ke ya kaho ya matlo.
Qalong, ho tla nka Bolaodi: Ba Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Mobu wa Mmuso matsatsi a ka bang 14 ho setjha le ho hlwaya mobu o mong o tshwanelehileng. Le ha ho le jwalo, ka ho ya ka ditherisano le bathahaselli le kananelo ya letona, tshebetso e ka nka pakeng tsa dikgwedi tse pedi le tse tharo hore e phethwe.
Ditjeo tse amehang bakeng sa ho fumana mobu o mong o tshwanelehileng di itshetleha ka mosebetsi ka mong. Dintlha tse jwalo ka boholo ba baahi bao mobu o batlelwang bona le ditjeo tsa mobu tikolohong eo ke dintho tse elwang hloko.
Ha ho na foromo tse lokelang ho tlatswa.
<fn>GOV-ZA. Legalisingofficialdocuments.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho kenya molaong kapa ho dumella ditokomane ke tshebetso ya ho tiisetsa ditshaeno le mokgwa oo ditokomane di kwalwang ka thata, di kgomaretswang ha di kwalwa mme di saenwang ka Apostille Certificate , kapa ka Setifikeiti sa Tiisetso moo dinaha e seng ditho tsa The Hague Convention.
e kenya molaong ditokomane tsa semmuso tsa setjhaba tse hlahiswang ka hara naha ya Afrika Borwa hore di ilo sebediswa ka ntle ho Rephaboliki ya Afrika Borwa ka mokgwa wa Apostille Certificate kapa Setifikeiti sa Tiisetso e neha dikhastama ditataiso bakeng sa ho fumana ditshaeno kapa ditokomane tse nepahetseng e neha dikhastama lesedi ka mohala, poso kapa e-meile.
Baemedi ba Afrika Borwa ba leng mose ba ka kenya molaong ditokomane tsa semmuso ha feela di ile tsa kengwa molaong kgetlo la pele ke Bolaodi bo tshwanetseng ba Matjhabeng kapa Legalisation Section e Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha. Baemedi ba Afrika Borwa ba ke ke ba kgona ho fana ka di-Apostille Certificate - ke Ditifikeiti tsa Tiisetso feela.
Qala, ka ho hlwaya hore ke tokomane efe eo o batlang ho e etsa hore e be molaong.
Tokomane ha se ya kgale ho fetang selemo se le seng.
O lokela ho tsebisa Legalisation Section ka naha eo tokomane e tla sebediswa ho yona, ho etsa hore e bone hore na ho hlokeha Apostille Certificate kapa Setifikeiti sa Tiisetso.
Mongodisi kapa Mothusi wa Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Afrika Borwa.
Ka bowena - Ditokomane tse romelwang ka bowena di ka nkuwa feela ka bopaki ba kamohelo. O fuwa setlankana se bolelang hore di amohetswe ka mora ho ba o ba nehe ditokomane tsa hao.
Ka courier - Courier e tla fuwa setlankana sa pokello, se tla hlokeha ha ba tlilo lata ditokomane. O lokela hore hape o lefe courier hore e kgutlise ditokomane tsa hao.
Ka poso e ngodisitsweng kapa e potlakileng - kenya omfolopo eo wena o ingoletseng aterese ho yona, ya pre-paid ya boholo ba A4 ho etsa hore ba Legalisation Section ba kgone ho kgutlisa ditokomane ho wena. Ho be le lengolo le tsamayang le hoo, le bolelang palo ya ditokomane tse lokelwang ho etswa tse molaong, naha eo hlokang hore ditokomane tseo di be molaong, le dintlha tsa hao tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le wena, mme tsona di ye le ditokomane.
Ka Moemedi wa Afrika Borwa ya leng mose.
Ditokomane tse kgutsufaditsweng kapa dikgatiso tsa khomputara.
Dikhopi tse tiiseditsweng tsa Ditifikeiti tsa Boemo ba Lenyalo kapa Bopaki ba Boahi ba Naha.
Dikhopi tse tiiseditsweng tsa ditokomane tsa ho eta kapa ditokomane tsa boitsebiso.
Ditokomane tse tiiseditsweng tse entsweng ke Bakhomishenara ba Kano hore ke dikhopi tsa nnete tsa sethathong. Notary Public e lokela ho di tiisetsa.
Ditifikeiti tse sa kgutsufatswang kapa tse felletseng tsa tswalo, lenyalo le/kapa ho hlokahala le mangolo a tiisetsang boahi ba naha ba motho, tse saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi ya dumelletsweng wa Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha.
Ditifikeiti tsa Thuto tse saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi ya dumelletsweng Lefapheng la Thuto.
Lengolo la Ho se Sitise le saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi wa Lefapheng la Ditaba tsa ka hara Naha.
Ditifikeiti tsa Bongaka tse tempuweng le ho saenwa ke bahlanka ba dumelletsweng ba Khansele ya Diprofeshene tsa Bophelo.
Ditokomane tse mabapi le ho tsamaiswa ha mehlape, ho kenyelletswa le diphoofolo tsa lapeng, di lokelwa ho tempuwa mme di saenwe ke Ngaka ya Diphoofolo ya Mmuso e dumelletsweng.
Legalisation Section e tla fana ka tsebiso ya matsatsi a supileng ka ho kwalwa e leng nako eo e seng ya letsatsi la phomolo la setjhaba.
Ha ho na tjhelete e lefiswang bakeng sa ho sebetsana le ditokomane.
Ha ho na diforomo tse tlatswang, empa ka mehla bolela naha eo o batlang ho sebedisa tokomane ho yona.
<fn>GOV-ZA. Letterofauthority.2010-03-25.st.txt</fn>
O tlameha ho fumana lengolo la tumello haeba o ikemiseditse ho reka koloi e ntjha kapa e sebedisitsweng mafatsheng a kantle, koloi ya thepa kapa treilara le bopa/aha kapa ho fetola sebopeho sa koloi.
O tlameha ho ba le lengolo la tumello ho sa kgathalatsehe hore koloi e ahilwe/bopilwe Afrika Borwa kapa naheng ya kantle.
dikoloi, dibese le dithuthuthu dikoloi tsa thepa ditreilara dikoloi tse kgethehileng tse jwalo ka dikhreini tse tsamayang, diterekere, tse kotulang.
Dikoloi kaofela, tse entsweng Afrika Borwa kapa mafatsheng a kantle, di tlameha ho tsamaellana le ditlhoko jwalo ka ha ho totobaditswe Molaong wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, wa selemo sa 1996. Batho ba rekang dinaheng tsa kantle le bona ba tlameha ho hlahisa tiisetso ya tsamaellano le ditlhoko ho ya ka Biro ya Boemo ba disebediswa ya Afrika Borwa.
Ela hloko: Motho eo koloi e tlang ho ngodiswa ka lebitso la hae ke yena feela ya ka tlatsang foromo.
Fumana diforomo tse loketseng tsa kopo ho tswa ho SABS.
khopi ya Bukana ya Boitsebiso lengolo la tumello sebakeng sa koloi ya khamphani kapa ya mokgatlo afidaviti ya koloi e ahilweng/bopilweng ho tswa Ditshebeletsong tsa Sepolesa sa Afrika Borwa. Sena se lokela ho kenyeletsa dinomoro tsa enjene le tjheisi, dintlha ka botlalo tsa mosebetsi o entsweng le mohlodi wa dikarolo tsa bohlokwa setefikeiti sa tlhakiso sa Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa setefikeiti sa ho ba mmileng setefikeiti sa borogo dinepe tse pedi tsa koloi.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Lengolo la tumello le tla fumaneha matsatsing a mane ho isa ho a tsheletseng.
<fn>GOV-ZA. LocFishVessel.2010-03-25.st.txt</fn>
ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke moahi a le mong kapa ba bangata ba Afrika Borwa kapa ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke ofe kapa ofe motse wa bolaodi bo kopanetsweng, mokgatlo kapa mokgatlo o mong wa batho ba entseng khampani kapa o thehilweng tlasa melao ya Rephaboliki ya Afrika Borwa moo bongata ba dikabelo le ditokelo tsa ho vouta di laolwang ke batho bao e leng baahi ba Afrika borwa.
Ka tlwaelo sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa lehae se na le disebediswa tse sebediswang ho tshwasa ditlhapi kapa mesebetsi e tsamaelanang le hona. Sekepe se akga diaparo tsohle, disebediswa, dibaka tsa ho boloka, thepa le mafura a ho tsamaisa hona sekepeng. Sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi se ka akga sekepe sefe kapa sefe se thusang sekepe se le seng kapa tse ngata tse lewatle phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe o tsamaelanang le ho tshwasa ditlhapi.
tlhophiso ho fepela ho boloka ho boloka ho sehatsetsi ho thotha, kapa ho lokisa; mmoho /kapa ho kena ka ho tobileng ho mesebetsi ya ho tshwasa ditlhapi sebakeng sa Exclusive Economic Zone metsing a matjhaba tlasa folakga ya RSA.
Ha ho motho ya tshwanelang ho sebedisa sekepe sa ho tshwasa ditlhapi kapa sekepe sefe kapa sefe se seng ho sebedisa tokelo ya ho fihlella ho ditlhapi ntle le ha laesense e ntshitswe, mmoho le tumello e tsamaelanang le yona ha monga sekepe e le monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi. Maemong ao monga sekepe e seng monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi, ho tlameha ho be teng kontraka ya ho sebedisa sekepe se jwalo.
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se tlameha ho latela mekgwatshebetso ya ya ho hlahloba ho tshwaneleha ho ba lewatle mme SAMSA e ka ntsha Safety Certificate.
Fumana foromo ya kopo ho Deat.
O tlameha hoba monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi . Ha o se monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi ya nang le sekepe, jwale nehelana kapa kenyeletsa kontraka, e fihlelletsweng le monga sekepe ho sebedisa sekepe se boletsweng, ha o kenya kopo ya laesense ya sekepe.
Bontsha bolelele ba nako le kopo ho karolo ya ho tshwasa ditlhapi eo sekepe se reretsweng ho sebetsa ho yona.
Tlatsa foromo ka mongolo a arolang ditlhaku o ngole ka ditlhaku tse kgolo mmoho le nehelano ya mabaka a ngotsweng moo ho hlokahalang.
Kopo e ka nka matsatsi a 3 a mosebetsi kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.
<fn>GOV-ZA. Lodgeacomplaintonfailure.2010-03-25.st.txt</fn>
O ka romela tletlebo Bolaoding bo Ikemetseng ba Ditletlebo e leng Independent Complaints Directorate haebe o bona e ka setho/ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa di hlolehile ho latela dipehelo tsa Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng, 1998 . Motho ofe kapa ofe ya nang le kgahleho, mahlatsipa a dintwa tsa ka malapeng kapa mekgatlo e seng tlasa mmuso e ka romela tletlebo.
Ho neha moqosuwa lengolo le mo laelang hore a hlahelle kgotla.
A ho sotla mmeleng kapa ka thobalano, mohlala, a ho otla kapa a ho beta.
A ho sotla ka puo, moyeng kapa kelellong, mohlala, a ho rohaka, a ho tshwara ka mokgwa o lefufa haholo.
A ho tshwenya, mohlala, a ntse a ho letsetsa mohala o ho tenang, a ho romela mangolo kapa dintho tse itseng, kapa a shebile metsamao ya hao.
A kena moo o dulang ntle le tumello ya hao.
A ho sotla ka tsa moruo kapa ditjhelete, mohlala, ha monna kapa molekane a phehella ho etsa diqeto ka tjhelete kapa a hana ho reka dijo, ho lefa tjhelete ya sekolo, jj.
A ho tshabisa, mohlala a ho tshosa ka hore o tla ho bolaya ha o ka ya mapoleseng.
A senya thepa ya hao, mohlala, a tjhesa diaparo tsa hao, a roba fanitjhara mme a seha dithaere tsa koloi ya hao.
A tlola taelo e leng teng ya molao ya tshireletso.
A na le boitshwaro bofe kapa bofe bo hlekefetsang bo tshosang polokeho, bophelo bo botle le boitekanelo ba hao.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo.
Romela tletlebo ka ho isa ka bowena, ka thelefounu, ka lengolo kapa e-mail eo o tla e romela ofising efe kapa efe ya ICD.
Jwalo ka motletlebi, tlatsa foromo ya ngodiso ya Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
Foromo ya ngodiso ya Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
<fn>GOV-ZA. Lodgeacomplaintonmisconduct.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho etsa hore ditho tsa setjhaba di kgone ho romela tletlebo ho ba Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo e leng Independent Complaints Directorate . Ha o romela tletlebo ofising ya naha ya ICD, taba eo e tla romelwa ofising e tshwanetseng ya provinse bakeng sa phuputso.
Tletlebo ya Sehlopha sa II: Tletlebo ya ho se mamele SAPS ka ho ya ka Molao wa Dintwa tsa Lapeng, 1998 , ka mantswe a mang ha setho sa SAPS kapa MPS se hloleha ho latela dipehelo tsa Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
Tletlebo ya Sehlopha sa III: Tletlebo e nang le menyenyetsi ya hore lepolesa/mapolesa a tlotse molao mme ho baka kotsi e mpe haholo mmeleng hoo ho leng ha hlokeha kalafo ya sepetlele. Boitshwaro boo bo sa lokang kapa tlolo ya molao e lokelwa hore e be e entswe motho a le ditlamong tsa sepolesa.
Tshebediso e sa lokang ya matla e leng e nang le sephetho sa bohlokwa setjhabeng mabapi le ho dikotsi tse bakilweng; palo ya batho ba amehileng; palo ya tjhelete e amehileng; kapa nako eo e etsahetseng ka yona.
Tletlebo ya Sehlopha sa IV: Tletlebo e nang le menyenyetsi ya hore setho sa SAPS kapa MPS se tlotse molao o mong ntle le eo e boletsweng mona ka hodimo kapa ha se ya itshwara hantle mme hoo hoa ho a ka ba le sephetho sa ho hlokahala kapa ho ntsha kotsi e mpe mmeleng ho motho ofe kapa ofe.
Tletlebo ya Sehlopha sa V: Tletlebo e ka ntle ho taolo ya thomo kapa leano la ICD.
Ditletlebo tsa diketsahalo tse etsahetseng pele ho hlongwa ICD, ke hore, diketsahalo tsohle tse etsahetseng pele ho Mmesa 1997. Hape le diketsahalo tse etsahetseng ka hodimo ho selemo pele di tlalehwa ho ICD, ntle le haebe ho na le mabaka a ikgethang.
Ditletlebo kgahlanong le moifo wa Ditshebeletsong tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, bahlanka ba lekgotla la dinyewe le ditho tsa Lebotho la Tshireletso la Naha la Afrika Borwa.
Kenya tletlebo ka bowena, ka ho founa, ka lengolo kapa ka e-mail ofising e haufi ya ICD. Ditletlebo tsohle di lokelwa ho etswa dihoreng tsa ho sebetsa, pakeng tsa 8h00 le 16h30.
ICD e ka kopa hore o fane ka tlhahisoleseding e nngwe pele tletlebo e ka fuputswa.
Kananelo ya ketelo ke tlelaente e ka nka metsotso e ka bang mehlano.
Kananelo e ngotsweng fatshe ya ho fumana tletlebo e ka nka matsatsi a 30.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Lodgenotificationofdeaths.2010-03-25.st.txt</fn>
O ka kenya tletlebo kapa wa tsebisa Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo ka ho hlokahala ha batho ditheong tsa mapolesa ka baka la diketso tsa mapolesa, ho utlwiswa bohloko le ho kgethollwa ka borabe. Hona ka tlwaelo ho bitswa Tletlebo ya Sehlopha sa 1.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo.
Tlaleha ho hlokahalla ditlamong tsa maponesa ka thelefounu kapa ka ho ngola fatshe o ngolla ofising e haufi le wena ya ICD.
Ho seng jwalo, tlatsa Foromo ya Tlaleho ya Ditletlebo mme o e romele ka fekse ofising e haufi le wena ya ICD.
Lebitso la dintlha tsa moo ho iteangwang le lehlatsipa le/kapa motletlebi.
Lebitso le boemo ba lepolesa le qoswang.
Lebitso la seteishene sa mapolesa kapa masepala moo lepolesa le qoswang le sebetsang ho sona.
Nomoro ya nyewe ya mapoleseng, ha e le teng.
Mohla, nako le mofuta wa ho hloleha ho thusa lehlatsipa.
Dintlha tsa dipaki, ha di le teng.
Ba ICD ba tla fuputsa nyewe ka ho ya sebakeng seo bonokwane bo etsahaletseng teng le ho fumana ditatamente ho tswa ho paki/dipaki.
Diphuputso di ka nka matsatsi a 30 kapa ka hodimo ho moo, mme ho tla ya ka bobe ba nyewe.
Ba ICD ba tla romela raporoto le dikgothaletso ho Molaodi wa Qoso ya Setjhaba le khopi ya Raporoto ya ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ho tlelaente.
Ba ICD ba tla romela Raporoto ya ho hlahella kgotla ya Mohato o tla Nkuwa ke Lefapha la SAPS ho tlelaente.
Ba ICD ba tla romela Raporoto ya Ho fumanwa molato/Taelo ya ho fumanwa o se na molato/Ho fumanwa o se molato ho tlelaente.
Tlhahiso ya diraporoto tsa pele e ka nka matsatsi a 180.
Diraporoto tsohle tse kentsweng ho databeise di ka nka dihora tse 48.
Tlhahiso ya diraporoto tsa kgothaletso ya ho qetela di ka nka matsatsi a 14 ka mora ho fumana diraporoto tsa tekgeniki.
<fn>GOV-ZA. Lowersoundbroadcastingservice.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Kgaso wa 1999 o hlalosa Tshebeletso ya Kgaso ya Radio ya Matla a Tlase e le tshebeletso ya kgaso ya motse, ya poraefete kapa ya mmuso e ntshang matla a sa feteng watt e le nngwe.
ho atolosa mohopolo wa 'phihlelo' ho tswa tokelong ya ho fumana tlhahisoleseding hore e kenyelletse phihlelo e kgolo ya mokgwa wa tlhahiso ya kgaso tokelo ya bolokolohi ba tsa dikoranta le diphatlalatsi tse ding, bolokolohi ba ho fumana le ho abelana ka tlhahisolseding le mehopolo, bolokolohi ba boqapi ba bonono; le bolokolohi ba akademiki le bolokolohi ba diphuputso tsa saense ho tswa ka ntlheng ya ntshetsopele, mohopolo wa tekatekano ke wa bohlokwa bakeng sa ho lekanya mahlakore indastering ya kgaso ka ho kgothaletsa bao ba batjha ba kenang hore ba fihlele mebaraka.
Ditshebeletso tsa Kgaso ya Radio ya Matla a Tlase tsa Kgwebo - ditshebeletso tse tsamaiswang ho tswa ho di shopping malls/centres, mabaleng a dipapadi, di-show ground le di drive-in movie theatres, kapa tshebeletso efe kapa efe e nngwe e tshwanang le yona eo Bolaodi bo ka bonang e tshwaneleha.
Ditshebeletso tsa Kgaso ya Radio ya Matla a Tlase tsa Metse - ditshebeletso tse tsamaiswang ho tswa kgasong ya lehae la maqheku, dikamahano pakeng tsa dibaka tsa thapelo, dikamano pakeng tsa dibaka tsa ho rapela le mahae a maqheku, kapa tshebeletso efe kapa efe e nngwe e tshwanang le yona eo Bolaodi bo ka bonang e tshwaneleha.
Ka bobedi dilaesense tsa matla a tlase a kgaso ya radio ya motse le ya kgwebo di tla sebetsa bakeng sa dilemo tse tharo, mme laesense e ikgethang ya kgaso ya radio ya matla a tlase e sebetsa bakeng sa matsatsi a mashome a mararo.
Hloma sehlopha sa tshebetso se tla ba le boikarabelo ba tshebetso ya dikopo mme se sebetse jwalo ka mokopi lebitsong la bahlophisi ba diketsahalo.
bokella ditshaeno baahing ngola moralo wa kgwebo thusa dikgethong tsa demokerasi tsa ditho tsa Boto.
Kopa khopi ya tshebeletso ya kgaso le foromo ya kopo ya kabo ya signal.
Tlatsa foromo ya kopo ka ho hatisa, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Romela khopi ya mantlha le dikhopi tse 16 tse tiiseditsweng tsa foromo ya kopo Bolaoding bo Ikemetseng ba Dikgokahano ba Afrika Borwa , mmoho le tefello ya kopo.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho na boikarabelo bo la amohelwa ba tshitiso.
Kananelo ya laesense ena e ka nka dikgwedi tse 2 ho ya ho tse 3.
Foromo ya kopo e tla ba karolo ya dishejulu tsa Koranta ya Mmuso.
<fn>GOV-ZA. Manufacturerimporterbuilder.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ofe kapa ofe ya etsang, ahang, modifies kapa rekang makoloi dinaheng tsa ka ntle bakeng sa mabaka a kgwebo, kapa ho rekisa o tlameha ho ingodisa le Lefapha la tsa Dipalangwang.
Ho fumaneng kopo, lefapha la provense le tla romela bolekodi ba lona ho hlahloba mokopi ho ya ka ho tsamaisana le melao e loketseng.
Iteanye le Lefapha la tsa Dipalangwang provenseng ya heno.
khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso khopi e netefaditsweng ya setefikeiti sa kgwebo lengolo la tumello haeba o emetse khamphani nomoro ya khoutu ya Lekgetho ho tswa Ditshebeletsong tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa setefikeiti sa tlhakiso ho tswa Tshebeletsong ya Sepolesa ya Afrika Borwa.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona mme setefikeiti sa boingodiso se ntshwa letsatsi le hlahlamang.
<fn>GOV-ZA. MaternityBenefitsUIF.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa dibenefiti tsa ho ya beleha ke ho neha motho ya kenyang tjhelete letloleng mme ya tshwanelehang ditlhapiso ka nako eo a leng moimana le ha a ilo beleha.
Kopo e lokelwa ho etswa ka potlako ha llifi ya ho ya beleha e qala kapa ho seng jwalo dikgweding tse tsheletseng ka mora ho beleha.
Motho ya kenyang tjhelete letloleng o lokela hore a be a fumana moputso o ka tlase ho o tlwaelehileng ka nako eo a leng llifing ya ho ya beleha.
Dibenefiti di tla leshwa ho fihla boholong ba matsatsi a 121, mme hona ho tla ya ka hore motho o na le bokae letloleng.
Ha ho ka etseha hore motho a fose mpa kapa lesea le belehwe le kgathetse, tefello e etswa bakeng sa boholo ba nako ya dibeke tse tsheletseng.
Ho tshwanetswe hore ho fanwe ka setifikeiti sa bongaka se tiisetsang boimana le/kapa peleho.
Iteanye le setsi sa mesebetsi se haufi le wena hore o fumane diforomo tse tshwanetseng.
Tlatsa mme o kgutlise diforomo tsena le setifikeiti sa bongaka setsing sa mesebetsi.
E tla le tokomane ya hao ya boitsebiso e tala e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Hopola ho fana ka dintlha tse nepahetseng tsa ho banka jwalo ka ha di tiiseditswe ke banka ya hao.
Ka mora ho fumana ditokomane tse tshwanetseng UIF e tshepisa ho sebetsa kapa ho phethahatsa ditleleime dibekeng tse tsheletseng.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. MininPermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya ho rafa ho fanwa ka yona ho tswa Lefapheng la Diminerale le Eneji mme e ho dumella hore o etse tshebetso tsa ho rafa. Ha ho na motho ya dumelletsweng ho rafa ntle le ho fumana phemiti ya ho rafa.
Dipheti tsa ho rafa di ke ke tsa fetisetswa ho ba bang. Sepheo sa tsona ke ho laola ho batla dirafshwa le ho rafa ho ntse ho elwa hloko bophelo bo botle le polokeho, taolo ya tikoloho le ho rafshwa ha diminerale ka boikarabelo.
Phemiti ya ho rafa e sebetsa nakong e boletsweng phemisting, empa e ke ke ya feta dilemo tse pedi. Le ha ho le jwalo, e ka ntjhafatswa ka makgetlo a mang a mararo a sa feteng nako ya selemo se le seng.
minerale eo ho buuwang ka yona e ka rafshwa haholo bakeng sa dilemo tse pedi sebaka sa ho rafa ha se fete dimetara tse 1.5 ka boholo.
Ha ho na motho e mong ya nang le tokelo ya ho batla dirafshwa, tokelo ya ho rafa, phemiti ya ho rafa kapa phemiti ya ho tshwara bakeng sa mobu oo wa minerale eo.
Romela foromo mmoho le tefello e beuweng mme e ke keng ya kgutliswa ofising ya Manejara wa Lebatowa eo mobu o welang tlasa lebatowa leo la hae.
Manejara wa Lebatowa o tla ananela kopo ha ditlhoko tsohle di fihletswe.
Hang ho ba kopo ya hao e ananelwe, Manejara wa Lebatowa o tla ho kopa hore o romele polane ya taolo ya tikoloho, mme o iteanye hape le monga thepa le motho ya dutseng hodima thepa ka molao mmoho le bao ba amehang.
Romela sephetho se ngotsweng fatshe sa ditherisano le Manejara matsatsing a 30.
Letona le tla fana ka phemiti ya ho rafa ha ditlhoko tsohle di fihletswe.
Palo e tla fapana ka ho ya ka minerale e tla rafshwa.
Manejara wa lebatowa o tla ho tsebisa matsatsing a 14 haebe kopo ya hao e ananetswe, hona ho bolela hore o fihletse ditlhoko tsohle.
Ha kopo e sa ananelwa, Manejara wa Lebatowa o tla kgutlisetsa kopo ho wena matsatsing a 14.
Ditjeo di tla behwa ke lefapha mme tsona ha di kgutliswe.
<fn>GOV-ZA. MiningRight.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokelo ya ho rafa ke tumello eo o e fuwang ke Mmuso ka Lefapha la Diminerale le Eneji e ho nehang taolo ya diminerale tsa morafo sebakeng se itseng. Tokelo ya ho rafa ha e be ka hodimo ho nako ya dilemo tse 30.
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho rafa le nako ya mosebetsi oo.
Mokopi o entse ditlhophiso tsa ditjhelete le tse ding hape bakeng sa morero o beuweng wa mosebetsi le phedisano.
Tshebetso e latela Tjhata ya ho Rafa.
Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Romela foromo ka letsoho kapa ka o e rejistara posong mme yona e ye ho Manejara wa Lebatowa eo mobu o welang tlasa lebatowa la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao e tla behwa ke Manejara wa Lebatowa.
Hore o tsebise hape o iteanye le bohle ba anng le kgahleho le ba amehang matsatsing a 180 ho tloha mohla tsebiso.
Manejara wa Lebatowa o tla ho tsebisa ka ho o ngolla haebe kopo e ananetswe, hona ho bolela hore kopo ya hao e latela ditlhoko tsohle , mme matsatsing a 14 a o amohela kopo o lokela ho iteanya le monga thepa kapa motho ya dulang hodima thepa ka molao mmoho le bohle ba amehang.
Ha kopo e sa atleha Manejara wa Lebatowa o tla kgutlisa kopo ho wena matsatsing a 14.
Ha Letona le hana ho fana ka tokelo ya ho rafa, lona le tla ho tsebisa ka ho o ngolla, matsatsing a 30, le bolele mabaka e etsang hore le hanele kopo eo.
Ditjeo di tla behwa ke lefapha mme tsona ha di kgutliswe.
Palo e tla fapana ka ho ya ka minerale e tla rafshwa.
<fn>GOV-ZA. Missingpersons.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e etsa hore setjhaba se kgone ho tlaleha motho ya lahlehileng. O ka tlaleha motho hore o lahlehile hang feela ho ba o belaele hore ho na le ho etsahetseng ho yena.
Ha ho na nako ya ho leta ho tlaleha motho ya lahlehileng. Ha lepolesa le sa batle ho o thusa, tseka ho bua le ya ka hodimo ho lona, mme o tswele pele ho etsa jwalo ho fihlela o fumana thuso eo o e hlokang. Ha o batla ho tseba haholwanyane ka bana ba lahlehileng, e ya weposaeteng ya South African Centre for Missing Children.
Ha o belaela hore motho ya itseng o lahlehile, leka ho iteanya le yena pele.
Ha o sa kgone ho fumana mohlala wa hae, e ya seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa kapa ditshebeletsong tsa ditlelaente ka potlako.
Fana ka lesedi le itseng ka motho eo, mme senepe sa hae sa moraorao e ka ba sona se ka sebetsang haholo.
Tlatsa foromo ya SAPS 55 e be o saena indemnity form e sireletsang ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ditlalehong tseo e seng tsa nnete.
Ha motho ya lahlehileng a fumanwe, e ya seteisheneng sa mapolesa moo motho eo a ileng a tlalehwa teng ho ya tsebisa lepolesa kapa mohlanka ya fuputsang nyewe eo.
Tlatsa foromo ya SAPS 92 ho etsa hore ho hlakolwe motho ho circulation system e tshwanetseng.
O ka tlaleha motho ya lahlehileng seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa, e seng feela moo motho ho belaelwang hore o lahlehile teng.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Motortradenumber.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e lebane le baetsi, baahi, bareki dinaheng tsa ka ntle, dikontraka tsa makoloi le bahwebi ba makoloi Nomoro ya ho hweba ka makoloi e dumella baetsi, bareki dinaheng tsa ka ntle, dikontraka tsa makoloi le bahwebi ba makoloi ho kganna koloi e sa ngodiswang mmileng wa setjhaba.
baetsi ho tsamaisa, rekisa, fapanyetsana kapa ho lokisa koloi dikontraka tsa dipalangwang tsa makoloi ho tsamaisa koloi bahwebi ba makoloi ho tsamaisa koloi, kapa bareki dinaheng tsa ka ntle ho tsamaisa koloi.
Tlatsa foromo ya MTN 1 kantorong ya sephethephethe ya lehae la heno.
Bontsha hore ke ka baka lang o hlokang dinomoro tsa ho hweba le nomoro ya dinomoro tsa kgwebisano e batleha.
khopi ya bukana ya hao ya boitsebiso kapa lengolo la tumello haeba o emela khamphani setefikeiti sa boingodiso ba kgwebo.
Lefa tjhelete ya kopo.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e etswang ka lona.
<fn>GOV-ZA. Mzansiaccount.2010-03-25.st.txt</fn>
Mzansi Account ke tshebeletso e tsamaiswang ke Poso ya Afrika Borwa bakeng sa batho. Ke tsela e se nang tshitiso ya ho amohela le ho ntsha tjhelete kapa ho lefa. O ka dula o na le bonnete ba hore tjhelete ya hao e bolokehile hobane ha ho na le ditefiso tsa kgwedi le kgwedi tsa tshebeletso, seo o se bolokang akhaonteng ya hao se tla fumana phaello feela. Ha ho na ditefiso tse tlwaelehileng tse beuweng, o lefella feela seo o se sebedisang. Ha o hloke setlankana sa moputso bakeng sa ho bula Mzansi account. Mang le mang a ka bula akhaonte, ka ha ha ho na ditlhoko tse etsang hore motho a tshwanelehe tse jwalo ka bonyane ba moputso. O ka nna wa etsa tshebetso tsa kgwebisano makaleng a ka bang ka hodimo ho 1300 a Poso le metjhining ya tjhelete ya Saswitch Automated Teller Machine e ka hodimo ho 8000.
Ela hloko: Bana ba sa leng banyane dilemong ba ratang ho bula diakhaonte ba lokela ho ya le bahlokomedi ba bona ba molao kapa motswadi/batswadi.
E ya Posong e haufi le wena mona Afrika Borwa o kope thelara ho o fa foromo ya kopo.
Tlatsa foromo ya kopo.
Hlahisa tokomane ya hao ya boitsebiso.
Fana ka bopaki ba aterese ya moo o dulang. Jwalo ka karolo ya molao wa Financial Intelligence Centre Act bakopi bohle ba lokela ho hlahisa bopaki ba aterese ya moo ba dulang. Hona ho ka ba ka mokgwa wa tshupamolato ya tshebeletso ya setjhaba . Ha o dula moo o lefang rente, ho hlokeha khopi ya tumellano ya khiro. Ha o dula le batswadi ba hao, afidaviti e bolelang hore ho hlokeha hona.
Ba sa leng banyenyane dilemong ba batlang ho bula diakahoante ba lokela ho tla le bahlokomedi ba bona ba molao kapa motswadi/batswadi.
Etsa depositi ya ho qala ya R10.
Ela hloko: O ka nna wa etsa tshebetso tsa kgwebisano makaleng a ka hodimo ho 1300 a Poso le ho di-ATM tsa Saswitch tse ka hodimo ho 8000.
Metsotso e 10 ho isa ho e 20, mme ho tla ya ka hore mosebetsi wa lekala leo la Poso o mongata ha kae.
Ho hlokeha depositi ya bonyane R10.
Diforomo tsa kopo di fumaneha Diposong tsohle nakeng ka bophara.
<fn>GOV-ZA. Notificationofamendments.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho tsebisa Registrar of Companies mabapi le diphetoho seahelong sa kgwebo ya hao e ngodisitsweng. Diphetoho tsena di ka akga ditho tse ntjha tse ekeditsweng kapa tse ntshitsweng, ofisiri e ntjha ya ho lekola ditjhelete, aterese ya poso, jj.
Ha ho na le diphetoho dife kapa dife tse entsweng mabapi le khampani ya ba mmalwa e ngodisitsweng - e bang di malebana le ditho kapa diphetoho malebana le ofisiri ya ho lekola ditjhelete kapa aterese ya poso ya CC - ho hlokahala hore diphetoho tsena di ngodiswe ho Close Corporation Registration Office.
Diphetoho di tlameha ho ngolwa ho Amended Founding Statement CK2 . Dintlha tsa bohlokwa malebana le ho tlatsa foromo ya CK2 di entswe lenaneo ka morao ho leqephe la 2 mme di tlameha ho balwa pele ho tlatswa diforomo.
Ntsha foromo ya kopo, CK2 mme o tlatse dikarolo tse amang maemo a hao.
Tlatsa Karolo A ha ho na le phetoho lebitsong la CC kapa mofuta wa kgwebo.
Tlatsa foromo CK2A mabapi le diphetoho tsa ofisiri ya ditjhelete kapa aterese ya kgwebo. Tlatsa Karolo B mabapi le diphetoho ho dintlha tsa ditho.
Tlatsa diforomo CK2 le CK2A ka enke e ntsho, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya CC.
Nehelana ka dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tse amehang ho CC.
Lefa tefo e hlokwang.
Ha ho ditlhakolo tse dumelletsweng foromong. Ha diphetoho di hlophisitswe, setefikeiti se tiisang ngodiso ya ditokiso se tla posetswa ho Khampani ya ba Mmalwa.
Tshebetso e ka nka matsatsi a robedi hore e phethwe.
<fn>GOV-ZA. NotifyNedlac.2010-03-25.st.txt</fn>
Karolo ya 77 ya Molao wa Dikamano Mosebetsing, 1995, e neha basebetsi tokelo ya ho ba le seabo ketsong tsa boipelaetso bakeng sa ho ntshetsa pele kapa ho sireletsa dikgahlehi tsa bona tsa phedisano le moruo le ho ba sireletsa kgahlanong le ho tebelwa le mehatong e meng ya kgalemo. E neha National Economic Development and Labour Council - jwalo ka mokga o etsang leano o bopilweng ka baemedi ho tswa mmusong, kgwebong, basebetsing le setjhabeng - mosebetsi wa ho kopanya ba amehang ka maiteko a ho rarolla mabaka a boipelaetso.
Nedlac e lokelwa ho tsebiswa ka boipelaetso foromong e ikgethang . Foromong ena ho tshwanetse hore ho hlahiswe mabaka le mofuta wa ketso eo ho ikemiseditsweng hore e nkuwe. Hona ha ho kenyelletse mohla oo ketso ho ikemiseditsweng hore e etswe ka ona, ka ha hona ho ka kgella tlase tshebetso ya ho batla tumellano.
Ha maiteko a ho fumana tharollo a hloleha, yunione kapa federeishene e lokela ho fana ka nothisi ya bobedi ho Nedlac e ba tsebisang ka maikemisetso a bona a ho tswela pele ka boipelaetso. Nothisi ena ya bobedi e lokelwa ho nehwa Nedlac bonyane matsatsing a 114 pele boipelaetso bo qala.
Tsebisa ba Nedlac ka maikemisetso a ho tswela pele ka boipelaetso.
Mongodi wa yunione kapa federishene ya diyunione o lokela ho tlatsa foromo ya kopo.
Nedlac e lokela ho fumana foromo bonyane matsatsing a 14 pele ho qala boipelaetso.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Notifychangeofaddress.2010-03-25.st.txt</fn>
Sena ke ho tsebisa Lefapha la tsa Dipalangwang ka phetoho ya aterese ya motho ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi. Kaofela batho ba tshwereng dithaetlele kapa banga ba dikoloi ba lokela ho netefatsa hore diaterese tsa bona tse kentsweng boingodisong ba ba dikoloi di nepahetse.
Etela kantoro ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Tlatsa mme o ise foromo ya tsebiso.
khopi ya Bukana ya hao ya Boitsebiso tiisetso ya aterese e ntjha ya bodulo.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
Tshebeletso ke mahala.
Diforomo tsena tsa kopo di fumaneha kantorong ya sephethephethe.
<fn>GOV-ZA. Notifyownershipchange.2010-03-25.st.txt</fn>
Hona ke ho fana ka tsebiso ho bolaodi ba ho ingodisetsa sephethephethe hore monga koloi kapa motho ya tshwereng thaetlele ya koloi o fetohile. Tsebiso e tlameha ho iswa bolaoding bofe kapa bofe ba boingodiso matsatsing a 21 ho tloha letsatsing leo diphetoho di entsweng.
Motho ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi o tlameha ho saena setifikeiti sa jwale sa boingodiso mme a se nehe motho e motjha ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi.
Monga koloi wa jwale o tlameha ho iteanya le kantoro e haufinyana ya sephethephethe.
setifikeiti sa boingodiso ba koloi diski ya laesense e amohelehileng bukana ya boitsebiso.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
Tshebeletso ke mahala.
Tsebiso ya phetoho ya monga koloi kapa thekiso ya koloi e fumaneha kantorong ya sephethephethe.
<fn>GOV-ZA. Occupationaccident.2010-03-25.st.txt</fn>
Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Hlahang Mosebetsing, 1993, o laela boramesebetsi hore ba tshwanetse ho tlaleha dikotsi tsohle tse etsahalang mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso.
Boramesebetsi ba lokela ho tlatsa Karolo ya A ya foromo ya W. Cl.2.
Boramesebetsi ba lokela ho tabola Karolo ya B ya foromo ya W. Cl.2 mme ba e nehe ngaka kapa sepetlele hore ba e tlatse ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ba lokela ho romela Karolo ya A ya foromo e tlatsitsweng Letloleng la Ditlhapiso ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ha ho hlokehe hore ba emele Karolo ya B ya foromo hore e tlatswe ke ngaka pele ba romela tleleime. Hang ho ba boramesebetsi ba fumane karolo ya foromo ya ngaka, ba ka e romela le yona.
Boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala ya bongaka ka potlako ha ba e fumana ho tswa ngakeng.
Ha mosebetsi a sa kgone ho boela mosebetsing wa hae bakeng sa nako e telele, boramesebetsi ba lokela ho fumana raporoto ya kgetelopele ya bongaka ho tswa ngakeng e be ba e romela Letloleng la Ditlhapiso kgwedi e nngwe le e nngwe.
Ha mosebetsi a boela mosebetsing wa hae hape, boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala hape le raporoto ya ho qetela ya bongaka Letloleng la Ditlhapiso.
Hona ho tla ya ka hore na dintlha di tlatsitswe ka nepo.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. OperFishProcEst.2010-03-25.st.txt</fn>
Seahelo sa ho lokisa tlhapi ke sepalangwang, sekepe, seahelo kapa sebaka moo ho hlahiswang sehlahiswa kapa ntho e itseng ka tlhapi. Sehlahiswa se ka hlahiswa ka mokgwa ofe kapa ofe, o kang ho e seha dikotwana, ho arohanya ditho, ho e hlwekisa, ho e hlopha ka mefuta, ho e beha ka tatelano le ho e boloka. Seahelo hape se kenyeletsa le sebaka moo tlhapi e kenngwang dikotikoting, e pakwang, e omiswang, e tshelwang ka letswai, e kenngwang leqhweng, e hatsetswang, e etsuwang leqhwa kapa e lokisetswa ho rekiswa ka hara Afrika Borwa kapa ka ntle.
Ho kena mosebetsing wa tokiso, o tlameha ho etsa kopo pele ya FPE /tokelo ya ho tshwasa ditlhapi mme e amohelwe. Ho sebedisa tokelo ya ho tshwasa ditlhapi kapa tokelo ya ho tsamaisa FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello e ntjhafatswang selemo le selemo e ntshuwang ke Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaudi . Monga tumello o tlameha ho latela dipehelo tse hlalositsweng tumellong. Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka ba le sephetho sa ho fanyehwa kapa ho fediswa ha tumello mmoho le ho amohuwa tokelo.
Etsa kopo ya tokelo ya ho tshwasa ditlhapi feela ha ho le teng memo e tla phatlalatswa Gazetheng ya Mmuso.
Bala ka hloko, o utlwisise mme o etse bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo tsa kopo.
Tlatsa, saena mme o nehelane ka foromo mmoho le ditokomane tsa ho tshehetsa tse tiiseditsweng tse hlokwang mmoho le tefiso e balletsweng e sa kgutleng.
Tshebetso ya ho hlahloba e tla qala ka mora letsatsi la ho qetela la ho amohela dikopo mme diphetho di tla phatlalatswa ka ngollano ke DEA&T. Ha o nehuwe tokelo ya FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello ya ho tsamisa FPE le ho kgotsofatsa ditlhoko pele o nehwa tumello.
Tokollo ya seahelo sa ho lokisa tlhapi e ka nahanwa tlasa maemo a tlang ka sewelo, mme ka ho fihlellwa ha qeto ke Letona la DEA&T.
Ha tokollo ya FPE e nehelanwe, o tlameha ho etsa kopo ka hoo ya tumello ya ho etsa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
Kopo ya tokelo ya FPE e ka nka dikgwedi tse 3 kapa ho feta ho ya ka bongata ba dikopo. Kopo ya tumello ya FPE e ka nka letsatsi le le 1 kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.
Ditefiso di laolwa ke tjhadimobotjha / tlhomamiso ke Letona la Environmental Affairs and Tourism kapa bolaodi bo thontsweng, tshebedisanong mmoho le Letona la Ditjhelete.
R6 000 - Kopo ya FPE/ tokelo ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
R1 330 mmoho le tefiso ya kopo ya R125 - Kopo ya tumello ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
<fn>GOV-ZA. Operatereservedpostalservice.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ya poso ya risefe e kenyeletsa mangolo, diposekarata, dikgatiso, diphasele tse nyenyane le dintho tse ding tse poswang. Laesense e neha monga laesense tokelo ya ho tsamaisa ditshebeletso tsa poso ya risefe mme e etsa hore ba latele ditlamo tsa karolo ya 16 tsa Molao wa Ditshebeletso tsa Poso, wa 1998.
Re kopa hore o ele hloko: Ho fana ka dilaesense bakeng sa dibaka tse behetsweng thoko ho tla etsahala feela hang ha Letona le phatlaladitse memo ya hore ho etswe dikopo. Ha jwale, Poso ya Afrika Borwa ke yona feela mokga o nang le laesense. Ha ho motho ya ka tsamaisang tshebeletso ya poso ya risefe ntle ha a na le laesense ya ho etsa jwalo.
Tlatsa foromo ya kopo ka ho hatisa ka ditlhaku tse kgolo.
Romela foromo ya kopo le tefello ya kopo Lefapheng la Dikgokahano.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di ka kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho na boikarabelo bofe kapa bofe bo ka amohelwang.
Laesense e ka loka ka mora matsatsi a 30.
Kopo ya ngodiso ya ho tsamaisa ditshebeletso tsa poso tseo e seng tsa risefe. Ikopanye le ofisi e haufi ya lefapha.
<fn>GOV-ZA. Oreturnforfirstpaymentofprovisionaltax.2010-03-25.st.txt</fn>
Moo motho a fumanang moputso o lokelwang ho lefiswa lekgetho mme o sa hulwe SITE kapa PAYE , yena o lokela ho lefa lekgetho la nakwana kunong eo. Ditefello tsa lekgetho la nakwana le leshwa ka dikarolo tsa dikgwedi tse tsheletseng.
Morero wa lekgetho la nakwana ke ho thusa balefi ba lekgetho hore ba fihlele dikoloto tsa bona tsa lekgetho ka mokgwa o tswelang pele ho ena le ho lefa palo e hodimo hang ka selemo ka mora tekolo . Lekgetho la nakwana le tla ntshwa lekgethong la ho qetela la kuno leo motho a lokelang ho le lefa selemong se tshwanetseng sa tekolo.
Motho ya okelang ho lefa lekgetho la nakwana, matsatsing a 30 feela ao a kolotang lekgetho leo ka ona, o lokela ho etsa kopo ka ho ngola fatshe bakeng sa ngodiso lekaleng le haufi la Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa . Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka baka hore a lefiswe tswala le kotlo bakeng sa ho lefa ka mora nako le lekgetho le leng ka hodimo bakeng sa ho romela dipoelo ka mora nako.
Nako e beuweng bakeng sa ho lefa lekgetho la nakwana lekgetlong la pele ke dikgweding tse tsheletseng o tloha qalong ya selemo sa tekolo. Tefello ya lekgetho la ho qala la nakwana e lokela ho emela halofo ya sekoloto sa lekgetho bakeng sa selemo se felletseng sa lekgetho.
Etsa ditefello setlankaneng se beuweng sa dipoelo sa IRP6, letsatsing le beuweng la tefelo kapa pele ho lona. Ba SARS ba tla romela balefi ba lekgetho ba nakwana ba ingodisitseng diforomo tse tshwanetseng.
ditefo tsa tokisetso tsa lekgetho di ka phethahatswa le ha e le ho efe kantoro ya sebaka, Mantaha ho fihlela Labohlano, pakeng tsa hora ya 08:30 hoseng le halofo ka mora hora ya 15:30 thapama kantle le matsatsi a phatlalatsa a phomolo moo ditefo di etswang teng ka poso, ka banka kapa ATM, nako e lekaneng ho romela kapa ho tsamaisa tefo e tshwanetse e hlokomelwe moo ditefo di etswang teng ka tse laolwang ke eleketerone , ho tshwanetse ho hlokomelwe dinako tsa ho kwalwa le nako ya ho fetisa ditifelo e ka nkang matsatsi pakeng sa a mabedi ho ya ho a mahlano.
Dintlha tsa Banka ka botlalo.
Leloko le lefang tonobankeng ho sebaka kapa sefe sa ABSA, FNB le NEBANK ho ke ke ha hlokahala hore le fane ka nomoro ya akhauntu le khoutu ha le etsa ditefelo, hona ho tla jwalo ka ho lekana ha maloko a ABSA, FNB, NEDBANK a beyang ditjhelete ka internet.
lengolo la boitsibiso la ya fumanang, hoba nomoro ya akhauntu e kopanngweng ho mokgwa o kgethehileng wa lekgetho ho etsa ditifelo.
Dinthla tsena di bonahala ho tokomane ya tefelo ya IRP6 e kgutliswang.
Ditifelo tse sa tsamaelaneng le tse pedi tsena dinomoro tse shebuwang le nomoro ya ya fumanang di ke ke tsa amohelwa.
Ha letsatsi la ho qetela le le ka letsatsi la phatlalatsa la ho phomola kapa mafelo a veke ho sa sejetswe, tefo e tshwanetse e etswe ka letsatsi la ho qetela la ho sebetsa pele ho letsatsi la phatlalatsa la ho phomoloa kapa matsatsi a veke ho sa sejetswe, o ka fumana dinthla tse ding, ka ho lebisa ho sebaka sa SARS, www.sars.gov.za.
Dipoelo tsa IRP 6 bakeng sa lekgetlo la ho qala di lokelwa ho romelwa le ha, ka ho ya ka dipalo tsa hao, ho sena lekgetho la nakwana le lokelwang ho leshwa.
Ha tefello ya lekgetho la ho qala la nakwana e theilwe hodima tekanyetso ya kuno e lefiswang lekgetho le ka tlase ho palo ya motheo, ho tshwanetswe hore ho kengwe kopo mmoho le lebaka. Poelo ya IRP 6 bakeng sa kgetlo la ho qala jwale e kenyelletsa sebaka seo ho sona o lokelang ho kenya lebaka la kopo e jwalo. Ha ba SARS ba sa kgotsofala, ho ka kotjwa tekanyetso e lekotsweng botjha.
Bakeng sa ho qoba kotlo le phaello, etsa bonnete ba hore dipoelo tsa IRP 6 di romelwa ofisng e tshwanetseng ya lekala la SARS pele ho letsatsi le beuweng la tefello. Hona ho tla etsa bonnete ba hore kopo ya hao e fumanwa le ho sebetswa ka nako.
Karolo ya setlankana sa tefello ya Poelo ya IRP 6 jwale e se e le leqepheng le ikemetseng ka thoko. Ka hoo poelo ya hao e ka romelwa e le nngwe ho tswa tefellong ya hao.
Sheba Ditataiso tsa IRP 12 ha o hloka thuso ya ho tlatsa Poelo ya hao ya IRP 6.
SARS e kentse maemo a tshireletso a tlang ho kenywa tsebetsong nakong ya dilemo tse pedi.
tsamaisa le ho lekola 80% tsa dirathene tsa lekgetho la moputso o kenang tse tlatsitsweng hantle mme tsa saenwa hara matsatsi a 90 a tshebetso ho tloha ka nako ya ho amohela nakong ya bophahamo ba tshebetso hape le hara matsatsi a 34 ka mora ho amohela ka nako ya ho theoha ha tshebetso tsamaisa dirathene tsa VAT le PAYE ka hara matsatsi a 20 a tshebetso ka mora ho amohela tsamaisa 90% tsa tsohle dirathene tsa tsa thomelontle le tsa tsa ditswantle tse neeletsweng ka mokgwa wa eleketerone ka hara dihora tse 4 ka mora ho amohela le ka hara dihora tse 24 ka mora ho amohela tse neelanweng ka matsoho.
Ha moemedi a sebetsa ka ditaba tsa hao tsa lekgetho, ho bohlokwa haholo hore o netefatse hore SARS e behelwe ka hoo. Hona ke hore o itshireletse le hore o netefatse hore SARS ha e etse hore ho be le dipotso ka tsa hao tse tsejwang ke wena fela le tsa lekunutu.
Tshebeletso ena ke mahala.
SARS e tla romela diforomo ho balefi ba lekgetho ba ingodisitseng ba nakwana. Setlankana sa tefello nqeng e nngwe le e nngwe se tla hokelwa ho poelo ya IRP 6.
<fn>GOV-ZA. Oreturnforsecondprovisionaltaxpayment.2010-03-25.st.txt</fn>
Moo motho a fumanang kuno e lefiswang lekgetho e sa lateleng melawana ya tshbetso ya ho hulwa ha ditjhelete ya SITE kapa PAYE , yena o lokela ho lefa lekgetho la nakwana kunong eo. Ditefello tsa lekgetho la nakwana di etswa kgweding tse ding le tse ding tse tsheletseng.
Sepheo sa lekgetho la nakwana ke ho thusa balefi ba lekgetho ho kgona holefa dikoloto tsa lekgetho ka mokgwa o tswellang ho ena le ho lefa palo e kgolo e nngwe feela hang ka selemo ka mora tekolo. Lekgetho la nakwana le tla bapiswa le lekgetho la kuno ya ho qetela leo motho a lokelang ho le lefa bakeng sa selemo se tshwanelehileng la tekolo.
Motho ya lokelang ho lefa lekgetho la nakwana o lokela hore, matsatsing a 30 a ho kolota, a etse kopo e ngotsweng fatshe ya ho ingodisa ofising ya sebaka ya lekala la Tshebeletso ya Lekgetho la Afrika Borwa . Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka baka hore a lefiswe phaello le kotlo tsa ho lefa ka mora nako mmoho le lekgetho le leng la ho romela di-return ka mora nako.
Nako e beuweng ya ho lefa lekgetho la bobedi la nakwana ha le a tshwanel;a ho ba la ka mora letsatsi la ho qetela la selemo sa tekolo kapa letsatsi le dumelletsweng la mafelong a selemo sa ditjhelete.
Moo selemo sa ditjhelete se felang ka Hlakola se bakang mathata a ditjhelete mme ho fumanwe tumello ho tsa ho SARS hore ho romelwe ditatemente tsa ditjhelete ka letsatsi le leng le fapaneng le la mafelong a Hlakola, batho ba jwalo hape ba ka kopa tumello ya ho romela di-return tsa lekgetho la nakwana ka ho ya ka tumello eo ya mefelong a selemo sa ditjhelete. Le ha ho le jwalo, kuno e nngwe yohle e tla lokelwa ho lekolwa mafelong a Hlakola ka la 28/29.
palo yohle e lekanyeditsweng ya lekgetho bakeng sa selemo sohle ho ntshwe lekgetho la mosebetsi le leshwang bakeng sa selemo sohle ho ntshwe dikrediti tsa lekgetho la dinaheng tsa ka ntle le dumellwang bakeng sa selemo sohle ho ntshwe palo e leshwang bakeng sa nako ya ho qala.
Ho leshwa ka ho ya ka ho leng setlankaneng se beuweng sa tefello sa IRP6 return, letsatsing le tsghwanetseng la tefello kapa ka mora lona. Ho na le mekgwa ena e latelang ya ho lefa ho SARS.
Ditefo tsa tokisetso tsa lekgetho di ka phethahatswa le ha e le ho efe kantoro ya sebaka, Mantaha ho fihlela Labohlano, pakeng tsa hora ya 08:00 hoseng le halofo ka mora hora ya 15:30 thapama kantle le matsatsi a phatlalatsa a phomolo.
Moo ditefo di etswang teng ka poso, ka banka kapa ATM, nako e lekaneng ho romela kapa ho tsamaisa tefo e tshwanetse e hlokomelwe.
Dintlha tsa Banka ka botlalo.
Leloko le lefang tonobankeng ho sebaka kapa sefe sa ABSA, FNB le Nedbank ho ke ke ha hlokahala hore le fane ka nomoro ya akhauntu le khoutu ha le etsa ditefelo, hona ho tla jwalo ka ho lekana ha maloko a ABSA, FNB, Nedbank a beyang ditjhelete ka internet.
lengolo la boitsibiso la ya fumanang, hoba nomoro ya akhauntu e kopanngweng ho mokgwa o kgethehileng wa lekgetho ho etsa ditifelo.
Dinthla tsena di bonahala ho tokomane ya tefelo ya IRP6 e kgutliswang.
Ditifelo tse sa tsamaelaneng le tse pedi tsena dinomoro tse shebuwang le nomoro ya ya fumanang di ke ke tsa amohelwa.
Ha letsatsi la ho qetela le le ka letsatsi la phatlalatsa la ho phomola kapa mafelo a veke ho sa sejetswe, tefo e tshwanetse e etswe ka letsatsi la ho qetela la ho sebetsa pele ho letsatsi la phatlalatsa la ho phomoloa kapa matsatsi a veke ho sa sejetswe.
Di-IRP 6 return bakeng sa nako ya bobedi di lokelwa ho romelwa le haebe, ka ho ya ka ho bala ha hao, ha ho na lekgetho la nakwana le lokelwang ho leshwa.
Tefello ya bobedi ya lekgetho la nakwana e lokela ho ya ka kuno e lekanyeditsweng e lefiswang lekgetho e leknang le palo ya motheo kapa palo e yang ka kuno ya hao ya sebele e lefiswang lekgetho bakeng sa selemo seo.
O ka lokela ho lefa bakeng sa lekgetho le leng ka hodimo haebe kuno ya hao e lekanyeditsweng e le ka tlase ho 90% ya kuno ya sebele e lefiswang lekgetho mme e le ka tlase ho palo ya motheo.
Etsa bonnete ba hore di-IRP6 return di romelwa ofising e tshwanetseng ya lekala la SARS pele ho nako e beuweng ya tefo. Hona ho tla etsa bonnete ha hore kopo ya hao e fumanwa mme e sebetswe ka nako mme o ke ke wa lokela ho lefa kotlo le phaello.
Karolo ya setlankana sa tefello sa IRP6 return jwale e se e le leqepheng le ka thoko. Ka hoo o ka romela return ya hao ka thoko ho tefello ya hao.
SARS e kentse maemo a tshireletso a tlang ho kenywa tsebetsong nakong ya dilemo tse pedi.
tsamaisa le ho lekola 80 % tsa dirathene tsa lekgetho la moputso o kenang tse tlatsitsweng hantle mme tsa saenwa hara matsatsi a 90 a tshebetso ho tloha ka nako ya ho amohela nakong ya bophahamo ba tshebetso hape le hara matsatsi a 34 ka mora ho amohela ka nako ya ho theoha ha tshebetso tsamaisa dirathene tsa VAT le PAYE ka hara matsatsi a 20 a tshebetso ka mora ho amohela tsamaisa 90 % tsa tsohle dirathene tsa tsa thomelontle le tsa tsa ditswantle tse neeletsweng ka mokgwa wa eleketerone ka hara dihora tse 4 ka mora ho amohela le ka hara dihora tse 24 ka mora ho amohela tse neelanweng ka matsoho.
Ha moemedi a sebetsa ka ditaba tsa hao tsa lekgetho, ho bohlokwa haholo hore o netefatse hore SARS e behelwe ka hoo. Hona ke hore o itshireletse le hore o netefatse hore SARS ha e etse hore ho be le dipotso ka tsa hao tse tsejwang ke wena fela le tsa lekunutu.
Tshebeletso ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Peopleshousing.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebetso ya Batho ya Phumantsho ya Matlo ke mokgwa oo mmuso o fanang ka matlo ka ona tshehetsong ya malapa a batlang ho ntlafatsa disaposidi tsa ona ka ho ikahela matlo ao e leng a bona kapa ba itlhophisa ka hara bona hore ba ahe matlo a tla ba a bona.
Tshebetso ena e dumella baamohedi ho the amokgatlo wa tshehetso ya phumantsho ya matlo o tla ba neha thuso ya ho hlophisa, ya botekgeniki le ya tsamaiso. Thuso ena e kenyelletsa thupelo le tataiso ya baamohedi hore ba ikahele matlo ao e leng a bona.
Kgetho ena e fumaneha ka mokgwa wa projeke ho baamohedi, ka ho sebedisa disaposidi tse akaretsang , tsa di-institjhushene le tsa diprojeke. Hodima moo e fumaneha dibakeng tsa mahaeng moo batho ba nang le ditokelo tsa ho dula mobung ka baka la mosebetsi feela.
Na Tshebetso ya Batho ya Phumantsho ya Matlo e sebetsa jwang?
Tshebetso ena e ho dumella hore o sebedise saposidi ho haha ntlo eo e leng ya hao. Hobane thuso ya botekgeniki le tshehetso tshebetsong ena e le tsona dintho tsa bohlokwa, motho e mong le e mong ya nang le seabo tshebetsong o lokela ho ba le mokgatlo wa tshehetso. Mokgatlo ona wa tshehetso o fana ka tshehetso ya botekgeniki bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ntlo e hahuwa ka nepo.
Batho ba ikahelang matlo a bona ka bobona kapa ba hlophisang hore ba hahelwe matlo a bona ba ka haha matlo a maholo ka tjhelete e tlase.
boloka ditjeong tsa mosebetsi ka ho iketsetsa mosebetsi o mong ka bowena kapa ka ho fumana thuso ho ba lelapa la hao, baahisani, metswalle le ba bang ba tla ho thusa qoba ho lefa diprofiti ho di-developer, le ho ntlafatsa diqeto tsa hao.
O be o nyetse kapa o dula mmoho le motho e mong, kapa o na le bahlokomelwa bao o ba thusang ka ditjhelete.
O be o le modudi wa Afrika Borwa ka semolao.
O be o na le bokgoni bo felletseng ba semolao ba ho kena konterakeng. Ke hore, o lokela ho ba ka hodimo ho dilemo tse 21 kapa o nyetse mme o itekanetse le kelellong.
O be o na le moputso wa lelapa wa kgwedi le kgwedi wa paloyohle e ka tlase ho R3 500.
O be o sa ka wa fumana saposidi ya ho reka ntlo ho tswa Mmusong pejana.
O be o le monga thepa kgetlo la ho qala.
Ela hloko hore o tla tshwanela o kena konterakeng le mokgatlo wa tshehetso hoo e leng mokga wa semolao. Mokgatlo wa tshehetso o tla ho neha thuso ya botekgeniki le ya tsamaiso.
Mehato e latelwang iteanye le ba Lefapha la Phumantsho ya Matlo la Provinse fana ka Ditokomane tsa Boitsebiso, tsa hao, tsa mohatsa le tsa bana fana ka khopi ya setlankana sa hao sa moputso kapa bopaki ba kuno.
Kopo e sebetswa ke ba mafapha a phumantsho ya matlo a diprovinse. Nako e beuweng bakeng sa tshebeletso e fapana ka ho ya ka tshebeletso ka nngwe.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na foromo ya kopo.
<fn>GOV-ZA. Policereservist.2010-03-25.st.txt</fn>
le phetha mesebetsi ka mahlakoreng ohle a tshebetso a bopolesa, e ka ba seteisheneng, tikolohong kapa boemong ba provinse, empa ha le etse mesebetsi e ikgethang le ka apara yunifomo le rupellwa mesebetsing e tshwanelehileng ya ho lebela ya bopolesa.
le phetha mesebetsi e ikgethang ya tshehetso boemong ba tsamaiso, e ka ba boemong ba naha, provinse, tikoloho kapa setesihene, empa ha le phethe mesebetsi ya bolebedi ha le apare yunifomo moo ho hlokehang, le ka rupellwa dintlheng tse tshwanelehileng tsa molao, leano le ditaelo tse sebediswang mesebetsing ya hae e ikgethang.
le lokela ho ba le bokgoni kapa tsebo e itseng e ka sebediswang mesebetsing ke ba Tshebeletso ya Sepolesa, mohlala, di-pilot, dingaka, di-divers, basebeletsi ba setjhaba e leng di-social worker, kapa di-psychologist le tla phetha mesebetsi e ikgethang karolong eo a nang le botsebi ho yona ka tumello ya commander ya lona, le ka apara yunifomo le lokelwa ho rupellwa dintlheng tse tshwanelehileng tsa molao, leano le ditaelo tse sebediswang mosebetsing wa hae o ikgethang.
ho phetha mesebetsi ya ho lebela ya bopolesa e amanang le bopolesa ba karolo dibakeng tsa ditoropong le mahaeng karolong e ikgethang boemong ba seteishene; kapa le tla phetha mesebetsi dibakeng tse ikgethang ka hara karolo e ikgethang jwalo ka ho hlwauwe ke commander le ka apara yunifomo ka ho ya ka hore o sebetsa ka eng nakong eo le lokela ho rupellwa ka dintlha tse tshwanelehileng tsa bopolesa ba dikarolo tse amanang le mesebetsi ya hae. Ho tla hlokeha thupelo e nngwe haebe a tshwarahane le mesebetsi ya ho lebela ya bopolesa ba dikarolo.
Lerisefe le hirilweng sehlopheng se seng le ka fetisetswa sehlopheng se seng hape ha se dumellana le ditlhoko tsa sehlopha seo se ikgethang mme se ile sa fumana thupelo kapa se ntse se rupellwa bakeng sa sehlopha seo.
ho tlatsa letoto la dipotso tse mabapi le bophelo bo botle jwalo ka ha ho beuwe ke Mokhomishenara wa Naha hore a se ke a ba le kgaello e itseng kelellong, lefu kapa bolwetse bo ka sitisanang le mokgwa wa ho phetha mosebetsi ka nepo ho ba wa semelo se setle, seo ho tla batlisiswa ka boitshetleho ba sona a phethe ka katleho di-psychometric test kapa ditekolo tse behwang ke Mokhomishenara wa Naha wa Mapolesa ho ba le bonyane senior certificate kapa mangolo a thuto a lekanang le lena, mme a fane ka ditokomane tsa bopaki ba hoo ho kgona ho bua, ho bala le ho ngola bonyane ka Senyesemane jwalo ka e nngwe ya dipuo tsa semmuso ho dumella hore ho nkuwe dikgatiso tsa menwana mme be e le hore ha a ka a fumanwa a le molato wa tlolo ya molao kapa a se tlasa qoso ya tlolo ya molao ho itokisetsa ho ya thupelong ho ikemisetsa ho nka kano ya ho kena setulong hore a se ke a ba le di-tattoo tse bonahalang; mme hore a be le laesense ya ho kganna, le ha hona e se e nngwe ya ditlhoko tse ka sehloohong tsa borisefe.
khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso khopi e tiiseditsweng ya laesense ya hao ya ho kganna, ha o na le yona dikhopi tse tiiseditsweng tsa mangolo a hao a thuto.
motho ya lokollotsweng mosebetsing o mong hobane a sa itekanela kelellong motho eo e neng e le setho sa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa eo kopo ya hae ya ho ngodiswa hape e hanetsweng motho ya tshwereng poso kapa setulo ofising ya mokgatlo wa dipolotiki moqolotsi wa ditaba wa dinako tsohle kapa moemedi wa diphatlalatsi tsa ditaba moithuti mohlanka wa molebedi setho sa Tshebeletso ya Sepolesa sa Masepala.
Ha ho ka fumanwa hore o tshwanelheile, kopo ya hao e tla ananelwa ke Area Commissioner mme o tla nkiswa kano ya mosebetsi. O ke ke wa dumellwa ho phetha mosebetsi wa ho lebela pele o phetha thupelo ya hao ka katleho. Ka mora moo, o tla nehwa setifikeiti sa semmuso sa ho hirwa.
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Professionaldriverspermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya mokganni wa borutehi bo itseng ke ya batho bao ho hlokahalang hore ba kganne mefuta e itseng ya dikoloi. Phemiti e ntshwa hodima laesense e tlwaelehileng ya ho kganna.
koloi ya thepa, koloi e hulang tse robehileng kapa bese.
dikoloi tsa boima bo fetang dikhilogramo tse 3 500 mme e entswe ho rwala batho ba 12 kapa ho feta.
dikoloi tsa thepa e kotsi - o lokela ho ba dilemo tse 25.
O ka fumana phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng haeba feela o na le laesense ya ho kganna e amohelehang ya mofuta wa koloi eo ho buuwang ka yona tiiseditswe o itekanetse ke ngaka tiiseditswe ke mokgatlo o dumelletsweng wa kwetliso eso ahlolelwe ho kganna tlasa taolo ya tahi, ho kganna bohlaswa kapa kantle ho tlhokomelo, kapa molato wa morusu mme laesense ya hao ya ho kganna e sa ka ya ntshwa tseleng/kgaolwa nakwana.
Ke dikahlolo tse itseng feela tsa dilemo tse hlano tse sa tswa feta tse ka o thibelang tokelo ya ho fumana phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng. Dikahlolo tse ka hodimo ho dilemo tse hlano di ke ke tsa nkelwa hlohong.
Mosebedisi kapa monga koloi eo phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng e hlokahalang, a ke ke a tlohela motho e mong ho kganna koloi mmileng wa setjhaba, kantle le ha ba e na le phemiti ya ho kganna ya mokgahlelo o loketseng.
Tlatsa foromo ya PD1, kganna mme o e ise setsing sa tlhahlobo.
O tla etsa teko ya mahlo setsing sa tlhahlobo.
bukana ya Boitsebiso , karete ya laesense ya ho kganna, dinepe tse pedi tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu laesense e amohelehang ya ho kganna setefikeiti sa kwetliso setefikeiti sa Bongaka phemiti tse ding tsa ho kganna tsa borutehi bo itseng kapa phemiti ya ho kganna ya setjhaba eo o e tshwereng.
Lefa tjhelete e hlokahalang.
Ka mora ho lefa, o tla romelwa seteisheneng sa mapolesa se haufinyana ho kopa pehelo ya kahlolo.
O tla tsebiswa ha karete ya phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng e loketse ho latwa. O tlameha ho kgona ho itsebisa ha o lata karete. Dikarete tse ding le tse ding tse sa latweng matsatsing a 120 di tla tabolwa.
Phemiti e ka loka dibekeng tse robedi ho isa ho tse leshome le metso e mmedi.
<fn>GOV-ZA. ProspectingRight.2010-03-25.st.txt</fn>
Tokelo ya ho batla diraftjwa ke phemiti e dumellang khampani kapa motho ho lekola kapa ho fuputsa sebakeng se itseng ka morero wa ho fumana minirale e ka bang e teng moo. Motho ofe kapa ofe ya batlang ho etsa kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa o lokela etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa eo mobu o leng lebatoweng leo la hae.
Tokelo ya ho batla diraftjwa e sebetsa bakeng sa dilemo tse hlano, empa ka mora ho ba e fele, mokopi a ka kopa hore ho ntjhafatswe tokelo ya ho batla diraftjwa, bakeng sa nako e sa feteng dilemo tse tharo.
Mokopi o na le ditjhelete le botsebi ba ho tsamaisa tshebetso e lohothwang ya ho batla diraftjwa ka tsela e tla ba le dipoelo.
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho batla diraftjwa le nako ya mosebetsi oo.
Ha ho na tshilafatso kapa tshenyo e sa hlokeheng e tla ba teng tikolohong ka baka la tshebetso ya ho batla diraftjwa.
Mokopi o kgona ho latela Molao wa Bophelo bo Botle ba Merafong mmoho le Polokeho.
Mokopi ha a tlole Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo.
Ha ho na motho e mong ya nang le tokelo ya ho batla diraftjwa, tokelo ya ho rafa le phemiti ya ho rafa kapa phemiti ya ho boloka ya minerale le mobu oo.
Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Tlatsa Foromo ya B: Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa, mme o e romele le tsohle tse lokelwang ho hokelwa ho yona tse hlokehang ho nejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji eo mobu o leng lebatoweng la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao.
Ha Manejara wa Lebatowa a ananela kopo ya hao, yena o tla ho kopa hore o romele polane ya taolo ya tikoloho le hore o iteanye le monga thepa , motho ya dutseng hodima thepa ka molao kapa motho ofe kapa ofe e mong ya amehang.
Romela diphetho tsa ditherisano ho Manejara wa Lebatowa matsatsing a 30.
Haebe o fihletse ditlhoko tsena tsohle, Manejara wa Lebatowa o tla romela kopo ho Letona ho ya elwa hloko.
Ha Manejara wa Lebatowa a sa ananele kopo, yena o lokela ho o tsebisa ka ho o ngolla matsatsing a 14 e be o kgutlisa kopo ho wena.
Ha Manejara wa Lebatowa a ananela kopo, yena o lokela ho o tsebisa matsatsing a 14 hore o romele polane ya taolo ya tikoloho, le hore o iteanye le monga thepa le motho ya leng hodima thepa ka molao ekasitana le motho ofe kapa ofe e mong ya amehang.
O lokela ho romela sephetho se ngotsweng fatshe sa ditherisano ho Manejara wa Lebatowa matsatsing a 30.
Hang ho ba ho fihlelwe ditlhoko tsena, Manejara wa Lebatowa o lokela ho romela kopo ho Letona hore e ilo elwa hloko.
Ditjeo di tla behwa ke Manejara wa Lebatowa ka ho ya ka minerale eo o batlang ho e rafa.
<fn>GOV-ZA. Protectionorder.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebediso ya dikgoka malapeng keng?
Ho ya ka Molao wa Tshebediso ya Dikgoka Malapeng wa No.
Moo ketso e jwalo e bakang kotsi kapa e ka bakang kotsi bophelong ba hao, polokehong kapa bophelong ba hao.
Haeba mekgwa ena ya tlhekefetso e etsahala ho wena kapa ho mang kapa mang eo o mo tsebang, o ka etsa kopo ya taelo ya molao ya tshireletso.
thibela motletlebi ya dulang kapa ya neng a dula lelapeng le kopanetsweng hore a se ke a kena kapa a dula lelapeng leo le kopanetsweng kapa karolong e itseng ya lelapa leo le kopanetsweng; kapa a se ke etse ketso efe kapa efe e boletsweng taelong ya molao ya tshireletso.
Ke mang ya ka etsang kopo ya taelo ya molao ya tshireletso?
Motho ofe kapa ofe ya nang le kgahleho bophelong ba motletlebi.
Etsa kopo ya taelo ya molao ya tshireletso Lekgotleng la Mmaseterata le haufi le moo o dulang kapa o sebetsang, nakong efe kapa efe, ka nako ya mosebetsi ka mora dihora tsa ho sebetsa, ekasitana le nakong ya matsatsi a phomolo kapa mafelong a beke.
Tabeng ya pele, etsa kopo ya Taelo ya molao ya tshireletso ya nakwana ka ho tlatsa Foromo ya 6: Taelo ya molao ya tshireletso ya nakwana Lekgotleng la Mmaseterata le haufi le wena kapa Lekgotleng le Phahameng Dinyewe.
Tlatsa Foromo ya 2: Kopo ya Taelo ya molao ya tshireletso Lekgotleng la Mmaseterata le haufi le wena kapa Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe.
Lebitso la seteishene sa mapolesa moo motletlebi a ka yang ho ya tlaleha tlolo efe kapa efe ya taelo ya molao ya tshireletso eo ho entsweng kopo ya yona.
motho ya sa leng tlase dilemong motho ya sa kulang hloohong motho ya sa phelang hantle motho eo lekgotla le kgotsofetseng hore ha a kgone ho fana ka tumello e hlokehang.
Tlatsa foromo le tlelereke ya lekgotla e be o a e romela.
Ha o fumana foromo, tlelereke e tla romela kopo ya hao ho mmaseterata ya tla beha letsatsi la hore o tle neng kgotla, hore ho tlo tla buuwa tsa kopo ya hao.
Mmaseterata hape a ka tsebisa motho ya hlekefetsang ka taelo ya molao ya tshireletso le hore na o lokela ho tla neng lekgotleng la dinyewe.
Ka mora ho hlahella kgotla, mmaseterata a ka fana ka taelo ya molao ya tshireletso.
Tlasa maemo a tshohanyetso, tshebeletso e fumaneha bosiu le motsheare.
Taelo ya molao ya tshireletso e ka fumanwa letsatsing leo kopo e entsweng ka lona, empa ka kakaretso, hona ho tla ya ka ho rarahana ha taba ya hao.
Taelo ya molao e sebetsa ho fihlela motho ya hlekefatswang a e hlakola.
Ha motho ya hlekefetswang a ka etsa boipiletso, taelo ya molao e tswela pele ho sebetsa ho fihlela e hlakolwa ke Lekgotla la Boipiletso.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Publiccompany.2010-03-25.st.txt</fn>
Khampani ya bohle ke koporasi eo beng ba yona e leng setjhaba mme e na le beng diabo ba supileng bonyane. Lentswe le reng "Limited" le tla hlaha mafelong a lebitso la khampani.
Diabo di nehelwa ho setjhaba.
Leha ho se na thibelo mabapi le boholo ba palo ya beng diabo, bonyane ho tlameha ho be teng balaodi a bsupileng.
Ha ho thibelo mabapi le phetiso ya diabo tsa yona.
Lentswe le reng "Limited" le tla hlaha mafelong a lebitso la khampani.
Khampani e tlameha ho tsebisa setjhaba ka tlhahisoleseding e itseng.
Mofuta ona wa kgwebo ka tlwaelo o shebane ka matla le tjhelete ya sethatho.
Bonyane ho na le balaodi ba babedi.
Fumana diforomo tse tshwanelehileng Lefapheng.
CM29 - Tlaleho e fupereng dintlha tsa balaodi, diofisiri.
CM31 - Kamohelo ya ho sebetsa jwalo ka mohlahlobi wa dibuka.
Lefa tefo e balletsweng.
Ngodiso e ka nka matsatsi a mahlano.
<fn>GOV-ZA. Rebateonandrefundthedutyonexport.2010-03-25.st.txt</fn>
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho etsa kopo ya ho theolelwa le ho busetswa lekgetho dihlahisweng tsa ditswantle bakeng sa ho hlahisa, ho hlophisa, ho qetela, ho kenyeletsa kapa ho paka dihlahiswa tse reretsweng ho romelwa ka ntle ho naha.
Ho hlokahala tumello bakeng sa dihlahiswa tsa ditswantle ho ya ditlhoko tsa pehelo ena mme e tlameha ho kotjwa ka ho tlatsa foromo e fumanwang ho International Trade Administration Commission Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebo ya Matjhaba.
Ntsha foromo ya kopo, 470.03/00.00/01.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Ho ka nka dibeke tse pedi ho ya ho tse nne ho fumana karabo mabapi le theolelo kapa pusetso ho tswa ho Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Recognitionofcustomarymarriage.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho tshwanetse horer ho be le therisano ya lenyalo, ho kenwe ho lona kapa le ketekwa ka ho ya ka molao wa setso.
Banyalani ba lokela ho ba dilemo tse ka hodimo ho tse 18.
Banyalani ka bobedi ba lokela ho dumellana ka lenyalo leo.
Batswadi ba mohatsa ya leng dilemo tse ka tlase ho tse 21 ba lokela ho dumella lenyalo leo. Ha o se batswadi, mohlokomedi wa hao wa semolao o lokela ho dumela. Ha motswadi kapa mohlokomedi wa semolao a sa kgone ho dumela, mokhomishenara wa paballo ya bana a ka latwa bakeng sa tumello eo. Ha ho ka hanelwa ka tumello ke batswadi, mohlokomedi wa semolao kapa mokhomishenara wa paballo ya bana, ke moahlodi wa Lekgotla le Phahameng feela ya ka fanang ka tumello.
Haebe e mong wa bahatsa ke mohatsa lenyalong le leng la sekgowa , ho ke ke ha kgonwa ho kena lenyalong la setso ha ho ntse ho ena le lenyalo leo la civil marriage. Pehelo e tshwanang le eo hape e sebetsa le manyalong a setso ao ho kenweng ho yona ho tloha ka la 1 Tshitwe 1988.
Le ha ho se na tshitiso palong ya manyalo a setso ao monna a ka kenang ho ona, ha ho na lenyalo le leng la setso leo ho ka kenwag ho lona ntle le hore ho fumanwe taelo ya semolao ya lekgotla e laolang bokamoso ba mokgwa wa manyalo.
Tiisetsa boemo ba hao ba lenyalo online.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-32 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Setifikeiti se sa kgutsufatswang sa lenyalo kapa khopi ya rejistara e tshwanetseng kapa khopi ya tokomane efe kapa efe e tshehetsang e tsamaelanang le rejistara e amehang ho fanwa ka tsona, ekasitana le tiisetso ya tlhahisoleseding ho tswa rejistareng ya manyalo.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng sa lenyalo ho fanwa ka sona ha feela ho se na ditefello tse hlokehang bakeng sa ho fana ka setifikeiti se beuweng ka nako ya ngodiso ya lenyalo.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng sa lenyalo ho fanwa ka sona ka potlako.
Setefikeiti se sa kgutsufatswang sa lenyalo se nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Refundlicencefees.2010-03-25.st.txt</fn>
O ka etsa kopo ya ho buseletswa ditefello tsa laesense ya koloi haeba koloi ya hao e utswitswe, ha e boemong ba ho sebetsa, kapa e hlakotswe boingodisong.
Kopo ya ho buseletswa e tlameha ho etswa nakong ya dikgwedi tse tharo ho tloha letsatsing la tsebiso ya ho utsuwa kapa ho ba boemong ba ho sa lokela tsela, kapa ho tloha letsatsing la ho hlakolwa boingodisong.
Ela Hloko: Tjhelete e ka tlase ho R30 e ke ke ya busetswa.
Tlatsa foromo ya RLF, Kopo ya ho Buseletswa Ditefello tsa Laesense ya Koloi.
bukana ya boitsebiso afidaviti e netefatsang hore koloi e utswitswe, ha e boemong ba ho sebediswa tseleng kapa setefikeiti sa ho hlakolwa boingodisong.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona, empa puseletso ya tjhelete e leshwa ka mora matsatsi a mmalwa ka baka la ditsamaiso tsa tlhakiso ya ditjhelete semmuso tsa ka hare.
Tshebeletso ke mahala.
RLF e fumaneha ditsing tsa dilaesense tsa makoloi.
<fn>GOV-ZA. RegFishVessel.2010-03-25.st.txt</fn>
Sekepe se tshwasang dihlapi ke sekepe se reretsweng mosebetsi wa ho tshwasa le ho tsamaisa tsohle tse tshwaswang metsing kapa ho tshehetsa mesebetsi yohle e tsamaellanang le ho tshwasa dihlapi. Sena se kenyeletsa sekepe sefe kapa sefe se thusang dikepe tse ding tse tshwasang dihalpi lewatleng ho latela tumello, ho kenyeletswa, leha sena se sa felle moo feela, ho hlophisa, fepela, ho boloka, ho boloka sehatsetsing, ho thothwa ha hlapi le ho sebetswa ha yona. Sekepe se jwalo se lokela ho dumellwa ke ba Taolo ya Polokeho ya Dikepe Lewatleng mmoho le Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi Environmental Affairs and Tourism.
Ha ho sekepe se tla rejisetarwa ebang ho sena tumello le phemiti ya ho tshwasa dihlapi.
Etsa dihlophiso hore sekepe se kenele diteko tsa polokeho tse etswang ke SAMSA mme kamora moo SAMSA e tla ntsha setefikeiti. Setefikeiti seo se lokela ho tsam, aya le kopo ya ho rejisetara sekepe.
lebitso la sekepe seo lebitso le dintlha tsohle tsa monga sekepe botelele ba sekepe matla a enjine le boholo ba sekepe folaga ya naha eo sekepe se ngoditsweng teng setefikeiti sa Taolo ya Polokeho Lewatleng.
Nehelana ka foromo ya hao ya kopo mmoho le tumello ya hao ya ho tshwasa dihlapi le konteraka eo o nang le yona le monga sekepe ebang e se wena monga sekepe seo.
Hlalosa nako le lekala leo sekepe seo se tla tshwasa dihlapi ho sona.
Kopo e ka nna ya nka matsatsi a mararo le ho feta, ho ya kamoo kopo e entsweng kateng.
Ditjeo di fapana ho ya ka botelele ba sekepe.
<fn>GOV-ZA. RegisterBargainCouncil.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikhansele tsa ditherisano tse kopanetsweng tsa basebetsi le boramesebetsi di shebana le dituemllano tse kopanetsweng, ho rarolla dingangisano tse mabapi le mesebetsi, ho hloma dikimi tse fapaneng le ho tshwaela hodima maano le melao ya mesebetsi.
Diyunione le mekgatlo ya boramesebetsi e ka etsa kopo ya ho hloma khansele ya ditherisano tse kopanetsweng tsa basebetsi le boramesebetsi.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Etsa kopo ka Rejistra wa Dikamano Mosebetsing Lefapheng la Mesebetsi bakeng sa ho ngodisa khansele ya ditherisano tse kopanetsweng ke basebetsi le boramesebetsi.
Ho nka matsatsi a ka bang 60 ho sebetsana le kopo ya hao.
<fn>GOV-ZA. RegisterTradeUnion.2010-03-25.st.txt</fn>
Yunione ke mokgatlo wa basebetsi o kgothaletsang le ho sireletsa dikgahleho tsa ditho tsa yona ditabeng tse jwalo ka tsa meputso le maemo a tshebetso, haholoholo ka ditherisano le boramesebetsi.
Ngodiso ya yunione e wela tlasa taolo ya tshebetso ya Rejistra wa Dikamano Mosebetsing.
Khopi ka nngwe ya molaotheo e lokelwa ho saenwa ke Mongodi le Modulasetulo jwalo ka dikhopi tsa sebele.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Tlatsa dikhopi tse pedi tsa foromo ya kopo.
Hokela dikhopi tsa molaotheo wa yunione foromong ya kopo e tlilo romelwa ho Rejistra.
Khopi ka nngwe ya molaotheo e lokelwa ho saenwa ke Mongodi le Modulasetulo jwalo ka dikhopi tsa sebele.
Posa kapa o romele ka fekse kopo ho Rejistra wa Dikamano Mosebetsing.
Ho ka nka matsatsi a ka bang 30 ho ngodisa yunione.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Registeracopyright.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho sireletsa ho bolela ho thibela ba bang ho kopitsa kapa ho hlahisa hape mosebetsi o jwalo kapa dintho le ho di sebedisa ho ntshetsa pele phaello ya bona ya ditjhelete. Copyright Act, 1978 o laola tokelo ya boqapi.
Ha o na le maikutlo a sethatho, o ke ke wa ba le tokelo ya boqapi hodima ona. O tlameha hore pele o behe maikutlo a hao ka mokgwa o tshwarehang, o kang buka, karete, CD, motako, setshwantsho, papadi ya skrini kapa filimi.
Ka bophara motho ya ngotseng, ya hatisitseng, ya phatlaladitseng, ya bapetseng kapa ya entseng, ya betlileng, ya pentileng, ya entseng filimi kapa ya rekotileng mosebetsi, ka ho iketsahalla ke monga tokelo ya boqapi ya mosebetsi oo. Leha ho le jwalo ka dinako tse ding, ha motho a thontswe ka khomishene mme a lefshwa ho etsa mosebetsi o itseng, tokelo ya boqapi ke ya mohiri.
Bakeng sa bongata ba mesebetsi ha ho hlokahale hore o etse kopo ya tokelo ya boqapi.
O ka fumana copyright mona Afrika Borwa ha o le moahi wa Afrika Borwa kapa ha mosebetsi wa hao o hlahisitswe mona Afrika Borwa. Ha o se moahi wa Afrika Borwa, o ka fumana copyright ha feela naha eo e nngwe e le setho sa Berne Convention . Berne Convention ke tumellano ya matjhaba mabapi le tokelo ya boqapi eo dinaha tseo e leng ditho di nehanang tshireletso ya tokelo ya boqapi.
Ho ba le tokelo ya boqapi ho nehelana ka "ho ba monga" ntho e jwalo le taolo ya tshebediso ya yona ho tsa kgwebo. Letshwao la tokelo ya boqapi le bonahalang kgafetsa ke Â©.
Ho latela nako ya dikgwedi tse tsheletseng, ho etsuwa ditshebetso tsa tlhahlobo tse molaong mme hangata tokelo ya boqapi e a nehelwa kgweding ya bosupa.
<fn>GOV-ZA. Registeradesign.2010-03-25.st.txt</fn>
Hantlentle "moralo" ke ho bua mabapi le sebopeho le makgetha a hapang leihlo. Meralo e meng e susumetswa ke tshebediso mme e meng ke bokgabane.
Kahoo moralo o mabapi le sebopeho, mokgwa, tjhebahalo, paterone, mokgabiso le kaheho ya sehlahiswa kapa ntho. Ho etsa mohlala, moralo wa reng ka bophara o laolwa ke makgetha a bokgabo.
tshwanela ho ba le botle sebopehong sa ona, kaheho kapa mokgabiso; mme tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.
tlameha ho ba le sebopeho kapa kaheho e hlokwang ke tshebediso; mme tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.
Tshireletso ya meralo ya bokgabo e nehelwa nako ya dilemo tse 15, mme ya meralo ya tshebetso e ba dilemo tse 10.
Leha ho se na tlamo ya ho etsa phuputso ho hlahloba setso sa moralo kapa ho etsa bonnete ba hore ke moralo o le mong kapa moralo o tshwanang ha o so ka o ngodiswa pele, ke bohlale ho etsa jwalo pele o kenya kopo. Phuputso e ka etsuwa ho Design Registry Office Pretoria.
tlameha ho e etsa ka bowena kapa e etsuwe ke akgente, jwalo ka leqwetha la tokelo ya ho etsa sehlahiswa.
Hang ha moralo o amohetswe jwalo ka o motjha mme o ngodisitswe, o tla nehwa setefikeiti sa moralo.
Meralo e a ntjhafatswa jwalo ka mora dilemo tse tharo.
Tlatsa foromo ya kopo ya moralo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Ho latela nako ya dikgwedi tse tsheletseng, ho etsuwa ditshebetso tsa tlhahlobo tse molaong mme hangata ngodiso ya moralo e a nehelwa kgweding ya bosupa.
<fn>GOV-ZA. Registeralateregistrationsbirth.2010-03-25.st.txt</fn>
Ngodiso e diehisitsweng ya tswalo ke ha tswalo ya motho e ngodiswa nakong e fetang selemo ka mora ho tswalwa ha hae.
Tlatsa foromo ya kopo BI-24/1 bakeng sa tswalo e ngodisitsweng ka mora selemo empa ka tlase ho dilemo tse 15.
Tlatsa afidaviti eo ho entsweng kano ya yona BI-288.
Romela khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya mme ha batswadi ba sa nyala mme ntate a sa dumele hore ke e mong wa batswadi. Ho seng jwalo, ha ntate wa ngwana a dumela hore ke yena ntate, dikhopi tse tiiseditsweng tsa ditokomane tsa boitsebeiso tsa batswadi ka bobedi di a hlokeha.
Romela setifikeiti se tswang sepetlele kapa maternity home moo ngwana a belehetsweng teng. Setifikeiti se lokelwa ho saenwa ke motho ya okametseng sebaka seo mme se lokela ho ba le lebitso la semmuso la institjhushene le setempe se nang le mohla.
Romela tiisetso ya dintlha tsa ngwana jwalo ka ha di le ka teng rejistareng ya sekolo kapa setifikeiti sa sekolo sa sekolo sa ho qala seo a keneng ho sona, se saennwe ke hlooho ya sekolo. Tiisetso e lokela ho ba le nomoro ya mosebetsi ya hlooho ya sekolo me e be lengolong le nang le sehlooho sa sekolo se be le setempe sa sekolo se ngotsweng le mohla.
Romela setifikeiti sa ngwana sa kolobetso, haebe o se fumane dilemong tse hlano ka mora ho belehwa.
Ha batswadi ba le siyo, afidaviti ya wa leloko ya leng bonyane dilemo tse 10 ka hodimo ho ngwana eo, ya tsebang hantle haholo dintlha tsa ho belehwa ha ngwana eo mme a tiisetse le boitsebiso le boemo ba ngwana.
Romela setatemente ho tswa ya tsebang hantle haholo batswadi ba mokopi. Motho enwa hape o tla tshwanela ho ya le mokopi ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae moo mokopi le motho eo ba tla botswa dipotso ka bong.
Dikopo di ka nka dikgwedi tse 3 ho isa ho tse 6.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
<fn>GOV-ZA. Registeramotorvehicle.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikoloi kaofela tse tsamayang mmileng ya setjhaba ya Afrika Borwa di tlameha ho ngodiswa.
Tlatsa foromo ya kopo kantorong ya sephethephethe ya heno e haufinyana.
bukana ya boitsebiso tiisetso ya monga koloi setefikeiti sa ho ba mmileng.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
<fn>GOV-ZA. Registerandlicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Koloi ya laesense e kgaotsweng nakwana, e hlakotsweng boingodisong, e utswitsweng, kapa e kopantsweng botjha, e hloka ho laesenswa hape. Hona ho etsahala le moo monga koloi a fetohang kapa koloi e fumanwa ho tswa ho lefa la motho ya hlokahetseng.
Laesense ya koloi e amohelehile ho sebetsa nako ya dikgwedi tse 12.
Iteanye le kantoro ya heno e haufinyana ya sephethephethe.
Tlatsa foromo ya kopo kantorong ya heno ya sephethephethe.
Lefa tjhelete e hlokahalang.
Ditjhelete tse salletseng morao di tlameha ho leshwa bakeng sa dikoloi tseo laesense ya tsona e felletsweng ke nako e behetsweng mme di sa ka tsa ntjhafatswa.
Kopo e sebetswa hona letsatsing leo.
<fn>GOV-ZA. Registeranexternalcompany.2010-03-25.st.txt</fn>
Mokgatlo wa baditjhaba wa kantle ho Afrika Borwa o lakatsang ho tsamaisa kgwebo efe kapa efe mona Afrika Borwa o ka etsa kopo ya tumello jwalo ka khampani ya kantle. Khampani ya kantle ke khampani e ngodisitsweng naheng ya baditjhaba mme e lakatsang ho hlomamisa khampani mona Afrika Borwa.
Ka lebaka la ditshebetso tse ngata tse etsahalang jwalo ka karolo ya tshebetso yohle ya ngodiso, ho eletswa hore o sebedise ditshebeletso tsa maqwetha a Afrika Borwa.
O tshwanela ho kopana le setsebi sa molao sa mona Afrika Borwa, jwalo ka ha ditlhoko tse itseng tsa Companies Act, 1973 di ka sebetswa feela ke ditho tsa ditsebi tseo.
Thusa o hlokomele hore ditokomane tsohle di tlameha ho tlatswa ka enke e ntsho e tebileng ya nako tsohle.
Tlatsa diforomo tsa kopo jwalo ka di entswe lenaneo tlasa sehlooho se reng "Forms to complete" mona ka tlase.
Nehelana ka dikopi tse tiiseleditsweng tsa ditokomane tsa boitsebiso kapa pasepoto e molaong tsa batho bohle ba amehang khampaneng e tla ngodiswa.
Ditokomane tsohle di tlameha ho felehetswa ke Memorandamo le Mabaka a Mokgatlo, e tshwanelang ho ba ka mokgwa wa buka mme e tlameha ho tiiseletswa ke mohlapanyi leqepheng ka leng ke Mohlapanyi wa Setjhaba naheng ya sethatho.
Ngodiso e ka nka matsatsi a mahlano.
<fn>GOV-ZA. Registerapersonalisednumberplate.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho kapa mekgatlo e ka etsa kopo ya nomoro ya boingodiso e ipitsang ka bona haeba ba batla ho sebedisa lebitso la bona kapa la mokgatlo jwalo ka nomoro ya boingodiso ba koloi. Nomoro ya boingodiso e ipitsang ka motho e behwa ka mokgwa o tshwanang le wa nomoro e tlwaelehileng ya boingodiso. Nomoro e ba ntho ya motho eo nomoro e ngodisitsweng ka yena.
Nomoro polata e ipitsang ka motho e tlameha ho tsamaellana le ditlhoko tsa polata e tlwaelehileng ya boingodiso.
Iteanye le kantoro ya heno ya sephethephethe e haufinyane.
Tlatsa foromo ya kopo.
Fana ka khopi e netefaditsweng ya Bukana ya hao ya Boitsebiso le setefikeiti sa boingodiso ba koloi.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
<fn>GOV-ZA. Registeraprivatecompany.2010-03-25.st.txt</fn>
Khampani e poraefete ke seahelo sa kgwebo seo beng ba sona e leng beng ba diabo mme diabo tsa bona di ke ke tsa rekisetswa setjhaba. Ho ya ka Companies Act, 1973, khampani e poraefete e tlameha ho ba le beng ba diabo ho tloha bonyane ho a le mong ho ya ho ba 50. Hangata beng ba diabo ba bitswa balaodi bakhampani.
Mokgwatshebetso wa ngodiso ya khampani ya bohle kapa e poraefete o kenyeletsa ditshebetso tse tebileng. Ka lebaka la marangrang a mekgwatshebetso e kenyeleditsweng, ditshebeletso tsa maqwetha di tlameha ho sebediswa tshebetsong ya ngodiso.
Lefa tefo e balletsweng.
Ho ka nka matsatsi a mahlano ho ngodisa khampani e poraefete.
R5 - bakeng sa diabo tse ding le tse ding tse 1 000 tse ntshitsweng.
<fn>GOV-ZA. Registerasaciproagent.2010-03-25.st.txt</fn>
Mekga yohle e sebedisanang kapa e hlokang tshebedisano le Registrar of Companies and Close Corporations kgafetsa e tshwanela ho ngodisa jwalo ka diakgente tsa CIPRO. Ha o se o ngodisitse, ha ho hlokehe hore o ngodise hape; o tla kenngwa jwalo ka akgente hape mme o ke ke wa lahlehelwa ke khoutu ya hao ya boakgente.
Ho ngodisa, o tla lebellwa hore o lefe depositi e ka busetswang ho wena akhaonteng ya CIPRO. Ka mora ho amohelwa ha tiiso ya ngodiso ya hao, akhaonte e tla kenngwa tshebetsong mme e lokele ho sebetsa. Ditefo tsa ho hlahloba le ho hatisa Setefikeiti sa Khampani kapa Khampani ya ba Mmalwa e ngodisitsweng ke R30 bakeng sa setefikeiti ka seng. Hona ho tla ba akhaonteng ya depositi e hoketsweng ho khoutu ya hao ya boakgente, e tla sebediswa ka ho iketsahalla ho o romella molato mafelong a kgwedi.
Nehelana ka kopi ya Bukana ya hao ya Boitsebiso.
Ha ho seahelo sa molao se laolang tshebeletso ena.
Kopo e sebetswa hona letsatsing leo.
<fn>GOV-ZA. Registerasananimalbreedsociety.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo e ka nka matsatsi a 30 hore e hlophiswe.
<fn>GOV-ZA. Registerasaprofessionalnaturalscientist.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho ba lakatsang ho sebetsa jwalo ka borasaense ba tlhaho ho hlokwa hore ba ngodise ho South African Council for Natural Scientific Professions.
Batho ba sa ngodisang ha ba a dumellwa ho etsa mosebetsi o hlwaetsweng batho ba ngodisitseng.
Keng ha ho hlokahala hore o ngodise?
Ke dife ditlhoko tsa ngodiso?
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng, e ya ho Lekgotla la Afrika Borwa la Botsebi ba Saense ya Tlhaho.
Kenyeletsa tefiso e balletsweng ya ngodiso ho kopo ya hao.
Lekgotla le tla ngodisa mme le ntshe setefikeiti sa ngodiso ha le kgotsofetse hore o na le dithuto tse tshwanelehileng tse hlokwang le boiphihlelo jwalo ka ha ho hlomamisitswe ke Lekgotla.
Puisano ya botho e tla dulelwa le wena ke lequlwana la bonyane batho ba babedi ba thontsweng ke SACNASP Professional Advisory Committee e tshwanelehileng.
Dikopo tsohle di tshwanela ho hlahlojwa ke PAC e tshwanelehileng, di amohelwe ke Registration Committee of SACNASP mme di tiiswe ke Lekgotla le feletseng.
Diphetho tsa tlhahlobo ha di tlo phatlalatswa ho fihlela ka mora phutheho ya Lekgotla.
Ha e le hore, ka mora ho qala ha Constitution of the Republic of South Africa, 1996 , mokopi o ahlotswe ka tlolomolao, mohlomong Rephaboliking kapa sebakeng se seng, mme o ahloletswe ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse tharo kapa kotlo jwalo ka mokgwa o mong wa kahlolo ya hoo.
Ha Lekgotla le Phahameng la Molao le phatlaladitse hore mokopi ha a a phela hantle kelellong kapa o ferekane kelello, kapa o tshwerwe tlasa Mental Health Act, 1973.
Ha mokopi a tlositswe setulong sa botshepehi ka lebaka la boitshwaro bo bobe.
Ha mokopi e le motho ya tjhonneng ya sa busetswang madulong eo ho tjhona ho bakilweng ke bohlaswa ba hae kapa ho hloka bokgoni ba ho phetha mosebetsi o welang tlasa mokga oo a etsang kopo ya ngodiso ho wona.
Lekgotla le tla o tsebisa ka ho ngola ha kopo ya hao ya ngodiso e latotswe.
O ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto ya Lekgotla nakong ya matsatsi a 30.
O tlameha ho etsa kopo ho Lekgotla bakeng sa ntjhafatso ya ngodiso ya hao bonyane dikgwedi tse tharo pele ngodiso ya hao e fellwa ke nako.
Ngodiso e ka nka dibeke tse tsheletseng ho ya ho tse robedi ho itshetlehile ho nehelano ya ditokomane tse hlokwang.
Bakeng sa ho banka ka mokgwa wa elektroniki le kenya tjhelete ka ho otloloha: Thusa o sebedise ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ho hlwaya tefo ya hao setatementeng sa banka ya rona mme o romele bopaki ba tefo ka fekse mmoho le leqephe la PELE la foromo ya hao ya kopo ho 012 841 1057.
NEDBANK, Silverton; Khoutu ya lekala: 164445: No.
<fn>GOV-ZA. Registeratrademark.2010-03-25.st.txt</fn>
Letshwao la kgwebo ke lebitso la sehlahiswa, lepetjo kapa letshwao. Le hlwaya ditshebeletso kapa thepa ya motho e mong mme le e etse e fapane ho thepa le ditshebeletso tsa e mong.
Kahoo lebitso la kgwebo ke lentswe kapa kopanyo ya mantswe . Lepetjo ke mobolelo o mokgutshwane kapa polelo mme letshwao ke setshwantsho kapa letshwao le kgethehileng. A nehelana ka ho hlwaya ho kgethehileng mmarakeng, mme a ka sebediswa ho dihlahiswa esita le ho ditshebeletso.
Ha letshwao la kgwebo le ngodisitswe, ha ho motho e mong ya ka sebedisang letshwao lena la kgwebo, kapa le tshwanang le lona. Ha sena se etsahala, sephetho e ka ba diqoso tsa molao. Ho kile ha ba le dinyewe tsa molao tse kgolo mona Afrika Borwa jwalo ka ha MacDonalds a neng a qosa mohwebi wa dijo tse potlakang mona Afrika Borwa ya neng a sebedisa sebedisa letshwao la "M" le tshwanang le la hae.
Fumana foromo ya TM1 mme o e tlatse ka dikopi tse tharo. Dikopi tse pedi ke tsa ho sebediswa ofising mme ya boraro e bolokwa ke wena jwalo ka bopaki ba hao ba kopo.
Lefa tefo ya ngodiso ka pele kapa e romele mmoho le kopo.
Ngola diphahlo tsohle kapa ditshebeletso tseo o ratang ho sebedisa letshwao la kgwebo ho tsona sebakeng sa 57 foromong ya TM1.
Eba sedi ka ho fetisisa hore o se ke wa kenya diphahlo kapa ditshebeletso tsa mefuta e fapaneng tlasa kopo e le nngwe ya letshwao la kgwebo. Ha o etsa jwalo, o tla eletswa ho lokisa totobatso ho kenyeletsa le diphahlo kapa ditshebeletso tsa mofua oo wa totobatso. Bakeng sa tse ding, o tlameha ho kenya kopo e fapaneng botjha.
Sebaka 74 sa TM1 . Ha aterese ena e tjhentjha, o tlameha ho tsebisa Lefapha ka mokgwa o tshwanelehileng ka ho kopa "ho tjhentjha aterese ya tshebeletso" Foromong ya TM2.
Ha kopo ya hao e kgotsofatsa ditlhoko tsohle tse molaong, o tla abelwa letsatsi la kopo le nomoro. Dikgokahano tsohle tse ding le ofisi di tla ba le nomoro eo ya kopo. Leha ho nka dikgwedi tse 18 ho ngodisa letshwao la kgwebo, o ka qadisa ho le sebedisa hang hang ha o fumane nomoro ya kopo.
Ha letshwao la hao la kgwebo le amohetswe ntle ho dipehelo, o tshwanetse ho le bapatsa ho Patent Journal , e phatlalatswang kgwedi le kgwedi ke Government Printer.
Ka mora moo setjhaba se dumelletswe nako ya dikgwedi tse tharo ho kenya dikganyetso.
Lefa bankeng o sebedisa khoutu ya moreki.
Ho ka nka dilemo tse pedi hore ngodiso ya letshwao la kgwebo e phethahatswe.
<fn>GOV-ZA. Registeravehicletestingcentre.2010-03-25.st.txt</fn>
Seteishene sa tlhahlobo ya dikoloi ke setsi seo ho etswang tlhahlobo ya dikoloi le ho fana ka ditefikeiti tsa ho lokela tsela. Ho na le diteishene tsa dikoloi tsa batho le tsa setjhaba. Diteishene kaofela tsa tlhahlobo ya dikoloi di tlameha ho ngodiswa le ho kalwa pele di ka fana ka ditefikeiti tsa ho lokela tsela. Ho fumaneng kopo, Lefapha la tsa Dipalangwang la Provense le tla romela mohlahlobi ho hlahloba seteishene sa tlhahlobo ho bona hore se tsamaellana le boemo ba tsebo ya setegniki bakeng sa ho ngodisa jwalo ka ha ho hlahisitswe ke Khoutu ya Tshebetso ke Biro e laolang Boemo ba disebediswa Afrika Borwa.
Tsebo ya setegniki e bolela disebediswa tse tlamehang ho sebediswa ke seteishene sa tlhahlobo le kwetliso e entsweng ke bahlahlobi ba dikoloi.
Diteishene tsa tlhahlobo tsa ho ngodisa di ka hlahloba le ho etsa tlhahlobo dikoloing ho ya ka ho kalwa ha tsona feela.
Tlatsa foromo ya TS1, Kopo ya ho ngodisa Seteishene sa Teko, kantorong ya sephethephethe ya heno ya lehae e haufinyana.
Tsamaisa Bukana ya hao ya Boitsebiso le eo ya boemedi ba botsamaisi haeba o etsa kopo lebitsong la seteishene sa teko.
O ka nna wa hlokwa ho tsamaisa ditokomane tse ding jwalo ka ha ho hlokwa ke MEC.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Ho ka nka dikgwedi tse tsheletseng ho sebetsana le kopo ya hao.
<fn>GOV-ZA. Registerdrivinglicencetestingcentre.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ya ho ngodisa setsi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna e tlameha ho etswa diforomo tsa kopo tse behetsweng. Jwalo ka karolo ya tshebetso ya kopo, o tla hlokwa ho tsebisa baemedi ba botsamaisi le bahlahlobi ba dilaesense tsa ho kganna.
Setho sa Lekgotla le ka Sehlohong wa tsa Dipalangwang wa provense eo kopo e etswang ho yona o tla romela bohlahlobi ho hlahloba disebediswa le ho kgothaletsa sekala se loketseng sa setsi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
Ha Setho sa Lekgotla le ka Sehlohong a kgotsofetse ke tlhahlobo, a ka kala setsi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna, a ngola dintlha tsa ho ngodisa setsi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna mme a neha mokopi setifikeiti sa boingodiso.
Iteanye le Lefapha la tsa Dipalangwang la Provense.
dibukana tsa boitsebiso tsa botsamaisi ba setsi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna setifikeiti sa boingodiso ba kgwebo.
Ho ka nka dikgwedi tse tsheletseng ho ngodisa setsi sa tlhahlobo.
<fn>GOV-ZA. Registerimportagentanimalgeneticmaterial.2010-03-25.st.txt</fn>
Akgente ya tumello ya setswantle bakeng sa disebediswa tsa lefutso la diphoofolo e tlameha ho ngodisa ho Registrar of Animal Improvement pele e ka amohela diphoofolo tsa ditswantle kapa disebediswa tsa lefutso tse kang di-embryo, di-ova kapa lero la botona mona Afrika Borwa.
seahelo se tlameha ho ba le disebediswa tsohle tse balletsweng bakeng sa ho sebetsa ka disebediswa tsa lefutso tsa diphoofolo laboratori le seahelo sa lekgetho la ditswantle sa ho nnetefatsa se tlameha ho latela maemo a tlase a balletsweng bahiri ba tlameha ho tshwaneleha ho sebetsana le lero la botona.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
Kopo e ka nka matsatsi a 30 hore e hlophiswe.
<fn>GOV-ZA. Registeringanonprofit.2010-03-25.st.txt</fn>
Mekgatlo e sa etseng dipoelo ke dikhampani tse ngodisitsweng hore di fane ka ditshebeletso kapa di ntshetse pele dikgahleho tsa setjhaba, me maikemisetso a tsona e se ho etsa dipoelo. Bongata ba di-NGO e leng mekgatlo e seng tlasa mmuso, mekgatlo ya bodumedi le ya thekolohelo e wela tlasa sehlopha sena.
Ka kakaretso mekgatlo e sa etseng dipoelo e fana ka ditshebeletso baahing ba fapaneng ba jwalo ka dikimi tse fepang bana, mekgatlo e hlokomelang dikgutsana tsa AIDS, mekgatlo ya bodumedi, jj. Tjhelete efe kapa efe eo ba e etsang ka mora ho lefela ditshenyehelo tsa bona tsa tshebetso, e sebedisetswa ho atolosa ditshebeletso tsa bona.
Mekgatlo ena hangata e fumana dithuso tsa ditjhelete tsa dineelo le ditjhelete tse tswang dinaheng tse ka ntle, mme yona e ngodisitswe ka ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa Dikhampani, 1973 . Khampani ya Karolo ya 21 e lokela ho ba le bonyane ditho tse supileng le bonyane balaodi ba babedi.
Jwalo ka ha tshebetso ya ho ngodisa mokgatlo o sa etseng dipoelo e le o rarahaneng, ho kgothaletswa hore ho fumanwe ditshebeletso tsa maqwetha. Ho tshwanetswe hore ho hlahiswe Memorandum le Articles tsa khampani mme di lokiswe ka mokgwa o tla tsamaelana le khampani ntle le share capital di tiisetswe ke notary public eo e leng profeshenale ya molao.
Iteanye le ba Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Tlatsa mefuta e fapaneng ya diforomo tse tshwanetseng tsa kopo tse fumanwang lefapheng la Kgwebo le Indasteri. Lenane la diforomo tsa kopo le mona ka tlase.
Ho ka nka matsatsi a fihlang ho a mahlano ho sebetsa kopo ya hao.
<fn>GOV-ZA. Registerlandforkeepingbuffalo.2010-03-25.st.txt</fn>
Mang kapa mang ya batlang ho boloka nare o lokela ho ngodisa pele mobu le Lefapha la temo.
Bula mme o tlatse foromo ya kopo ka ho hatisa. Hape e ka fumanwa le ofisng ya lehae ya ngaka ya diphoofolo ya mmuso.
Kopa ngaka ya lehae ya diphoofolo ya mmuso ho hlahloba mobu le difense mme e tiisetse boemo ba lefu la nare.
Hlooho ya ditshebeletso tsa bongaka ba diphoofolo provinseng o lokela ho paka hore ho na le mehlodi e lekaneng ya thuso bakeng sa ho lebela maemo polasing nako le nako, hore metsamao yohle ya nare ya ho kena le ho tswa polasing e ka tshwarwa ka tsela e tshwanetseng, le hore ho ka kgonahala hore ho latelwe ho sayeng ka tshwanelo ntle le tieho.
setifikeiti sa semuuso sa dintlha tse lekaneng tseo ho fanweng ka tsona ke bolaodi ba paballo ya tlhaho khopi ya mmapa o bontshang hantlentle bonabo ba mobu oo ho etswang kopo ya ona.
Nako e nkuwang bakeng sa ho tjhaela kopo monwana e ya fapana ho tswa provinseng ka nngwe. Hang ho ba kopo e tjhaelwe monwana, e romelwa Lefapheng la naha la Temo.
Bahlanka ba lefapha la naha ba fana ka nomoro ya semmuso ya ngodiso, ba kenya tlhahisoleseding rejistareng ya naha ya dinare e be ba hatisa setifikeiti sa ngodiso bakeng sa monga mobu. Tshebetso ena e ka nka matsatsi a leshome a ho sebetsa.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Registertovote.2010-03-25.st.txt</fn>
Bakeng sa ho dumellwa ho ho vouta dikgethong tsa naha, profensi kapa tsa mmasepala o lokela ho ingodisa sedikeng sa ho vouta sa moo o dulang. Ntlha ena ke ya bohlokwa haholo bakeng sa dikgetho tsa mmasepala hobane o dumeletswe ho vouta feela sedikeng sa ho vouta moo o ngodisitsweng teng. Hang ha o se o ingodisitse mme dintlha tsohle tsa hao di netefaditswe Registareng ya Setjhaba, lebitso la hao le tla kenyeletswa Lenaneng la Bakgethi la Naha.
moahi wa Afrika Borwa dilemo tse 16 kapa ho feta le tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa.
Lenane la Bakgethi le kwalwa bakeng sa dikgetho ka letsatsi le hlalositsweng la dikgetho ho ya ka phatlalatso e etswang Koranteng ya Mmuso.
Ingodise ka bo wena seteisheneng sa ho vouta sedikeng sa ho vouta moo o dulang nakong ya boingodiso ba dikgetho bo akaretsang.
Ingodise ka nako efe kapa efe ya dihora tsa tshebetso Khomishining e Ikemetseng ya Dikgetho ya heno.
Etla le tokomane ya hao ya boitsebiso.
Tlatsa foromo e loketseng ya kopo.
Mohlanka wa ngodiso o tla kgomaretsa setika tokomaneng ya hao ya boitsebiso se nang le nomoro ya sedika sa ho voita sa heno.
Kopo ya hao ya ho ingodisa e tla sebetswa hang hang.
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo di ya fumaneha diofising tsa boingodiso.
<fn>GOV-ZA. Registerwateruse.2010-03-25.st.txt</fn>
Basebedisi bohle ba metsi, ba sa fumaneng phepelo ya bona ya metsi ho moabi wa tshebeletso, lekgotla la motse, boto ya metsi, sekimi sa mmuso sa metsi kapa mofepedi e mong ya fanang ka metsi ka bongata, ba lokela ho ngodisa tshebediso ya bona ya metsi le Lefapha la Ditaba tsa metsi le Meru.
ho nosetsa merero ya ho rafa tshebediso ya indastering ho fepa ka bongata tshebediso efe kapa efe e nngwe e boletsweng Tumellong e Akaretsang ka ho ya ka dipehelo tsa Karolo ya 39 ya Molao wa Naha wa Metsi wa 1998.
ditshila tse ntshuwang tsa metsi kapa metsi a nang le ditshila ho fapohisa dinoka kapa melatswana kapa ho fetolwa ha mabopo kapa dibopeho tsa metsi.
Polokelo - Motho ofe kapa ofe kapa mokga o bolokang metsi bakeng sa morero ofe kapa ofe ho tloha sebakeng se ka hodimo moo a mathang teng, metsi a tswang ka tlase kapa a phallang ka motswedi a fetang 10 000 cubic meters kapa moo sebaka sa metsi se nang le phepelo e felletseng ya boemo bo fetang 1 hectare ka paloyohle mobung oo e leng wa motho eo kapa mokga oo, mme a se na phemiti kapa tumello.
Mesebetsi e fokotsang phallo ya melatswana - Di-afforestation tsohe bakeng sa merero ya kgwebo, ho kenyelletswa le meru e kopanetsweng bakeng sa dipoelo tsa kgwebo, tse bileng teng pele ho 1972, di lokelwa ho ngodiswa Beng ba meru ba nang le diphemiti tseo ho fanweng ka tsona tlasa Molao wa tsa Meru, 1998 ha ho hlokehe hore ba ngodise, ka ha re tla ba romela ditokomane tse tlatsitsweng tsa ngodiso, hore ba di fetole ha ho hlokeha, ba saene e be ba di kgutlisetsa lefapheng.
Tshebediso ke makgotla a metse le baabi ba bang ba metsi a mangata ka mehlodi ya bona ya metsi le mesebetsi ya tlhwekiso.
Mesebetsi e laolwang, e jwalo ka ho nosetsa, tlhahiso ya matla, ho fetolwa ha atemosefere kapa ho ritjhatjha aquifer.
Hlwaya tshebediso e nepahetseng ya metsi mme.
O iteanye le ba ofisi ya lebatowa e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
O tlatse diforomo tse tshwanetseng ka thuso ya moofisiri wa lebatowa.
dintlha tsa mokopi.
thepa eo metsi a sebediswang ho yona dintlha tsa monga thepa.
phatlalatso ka mokopi.
phatlalatso ka monga thepa.
tlhahisoleseding e mabapi le Ditshupamelato.
khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya boitsebiso.
khopi e tiiseditsweng ya lengolo la ho paka hore o monga thepa.
khopi e tiiseditsweng ya tumellano ya llisi.
lengolo le bontshang ho tsamaelana le ditlhoko bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng tseo ho entsweng kopo ya tsona.
Tshebetso ya ngodiso e tla nka kgwedi e le 1.
Diforomo tsa kopo di fumaneha diofising tsa lebatowa tsa Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
<fn>GOV-ZA. Registrationasaprofessionalnaturalscientist.2010-03-25.st.txt</fn>
ho kgothaletsa tshebetso ya botsebi ba saense ya tlhaho Afrika Borwa ho ba le taolo hodima maemo a boitshwaro ba botsebi ba Ditsebi tsa Saense ya Tlhaho, Baithuti ba Saense ya Tlhaho le /kapa Batshwari ba Setefikeiti sa Saense ya Tlhaho ho latela maemo a thuto le kwetliso ya borasaense ba tlhaho, le ho ananela thuto le kwetliso e hlokwang pele ho ngodiso ho ya ka Academy of Science of South Africa Act, 2001.
Batho ba sa ngodisang ha ba a dumellwa ho etsa mosebetsi o hlwaetsweng batho ba ngodisitseng.
Keng ha ho hlokahala hore o ngodise?
ho kenela mosebetsi wa botsebi ho sebedisa lebitso le molaong le thaetlele ya 'rasaense ya tlhaho' kapa ho hokela kgutsufatso e balletsweng ka mora lebitso la hao ho sebetsa maemong a boeletsi ho thabela maemo a botsebi le ho ba le seabo ho melemo e nehelwang ke metheo ya ditjhelete ho thabela tshehetso ya Lekgotla le tiiso e sa kgetholleng ya bokgoni ba hao ho sireletsa le ho matlafatsa botsebi.
Motho ofe kapa ofe ya lakatsang ho ngodiswa jwalo ka Setsebi sa Saense ya Tlhaho temeng ya Saense ya Lekgotleng la Molao o tshwanela ho ba le dikri ya dilemo tse nne ya B. Sc, B. Sc. Honours kapa B. Tech. disaenseng tsa tlhaho.
Hore bonyane ba 50% ba dithuto lenaneong di tlameha ho hlophiswa jwalo ka dithuto tsa disaense tsa tlhaho.
O tshwanela ho kgona ho nehelana ka bopaki ba kwetliso ho Saense ya Lekgotleng la Molao kapa Dipatlisiso, mohlala, ho hlahloba tokomane, patlisiso ka mollo, patlisiso ya letshwao la sesebediswa, patlisiso ya botjhutjhisi, mekgwatshebetso ya molao le lekgotla, paki e hlwahlwa, kapa dithuto tse ding tse kgutshwane tse ananetsweng.
O tlameha ho ba le rekoto e hlakileng ya mosebetsi le phuputso e nyalanang le saense ya lekgotleng la molao.
tsebo ya ho rarolla diqaka bopaki ba lekgotleng la molao selelekela sa molao tiiso ya boleng boitshwaro bo amohelehileng tshebetso ya botsebi ho hlwaya, ho bokella, le ho hlophisa bopaki bokgoni ba tharollo ya diqaka ka saense le laboratori tshebediso ya saense ditshebetsong tsa molao malebaleba a patlisiso lekgotleng la molao patlisiso sebakeng sa tlolomolao maikutlo a bopaki bo bonahalang khemistri ya tlhophollo le mekgwa e sebetsang ya tlhophollo tlhophollo ya sethethefatsi, tjhefu ya khemikhale, ho etsa kgolo ntho e nyane haholo, le dinth bayoloji ya lekgotleng la molao boiphihlelo ba mosebetsi.
tshehetso ya botegniki patlisisong ya dikotsi tsa sephethephethe mebileng, kahobotjha ya diketsahalo tse lebisang ho thulano, tlhahlobo e tebileng ya dikarolo tsa sepalangwang, tsebo e itseng ya teknoloji ya dikoloi.
Mosebetsi wa difoto.
Kenyeletsa tefiso e balletsweng ya ngodiso ho kopo.
Lekgotla le tla ngodisa mme le ntshe setefikeiti sa ngodiso ha le kgotsofetse hore o na le dithuto tse tshwanelehileng tse hlokwang le boiphihlelo jwalo ka ha ho hlomamisitswe ke Lekgotla.
Puisano ya botho e tla dulelwa le wena ke lequlwana la bonyane batho ba babedi ba thontsweng ke SACNASP Professional Advisory Committee e tshwanelehileng.
Dikopo tsohle di tshwanela ho hlahlojwa ke PAC e tshwanelehileng, di amohelwe ke Registration Committee of SACNASP mme di tiiswe ke Lekgotla le feletseng.
Diphetho tsa tlhahlobo ha di tlo phatlalatswa ho fihlela ka mora phutheho ya Lekgotla.
ha ngodiso ya mokopi e fanyehuwe ka lebaka la kotlo efe feela eo a e nehuweng tlasa Molao ona ha mokopi a tlositswe setulong sa botshepehi ka lebaka la boitshwaro bo bobe ha mokopi e le motho ya tjhonneng ya sa busetswang madulong eo ho tjhona ho bakilweng ke bohlaswa ba hae kapa ho hloka bokgoni ba ho phetha mosebetsi o welang tlasa mokga oo a etsang kopo ya ngodiso ho wona.
Lekgotla le tla o tsebisa ka ho ngola ha kopo ya hao ya ngodiso e latotswe.
O ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto ya Lekgotla nakong ya matsatsi a 30.
O tlameha ho etsa kopo ho Lekgotla bakeng sa ntjhafatso ya ngodiso ya hao bonyane dikgwedi tse tharo pele ngodiso ya hao e fellwa ke nako.
Ngodiso e ka nka dibeke tse tsheletseng ho ya ho tse robedi ho itshetlehile ho nehelano ya ditokomane tse hlokwang.
Bakeng sa ho banka ka mokgwa wa elektroniki le kenya tjhelete ka ho otloloha: Thusa o sebedise ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ho hlwaya tefo ya hao setatementeng sa banka ya rona mme o romele bopaki ba tefo ka fekse mmoho le leqephe la pele la foromo ya hao ya kopo ho 012 841 1057.
<fn>GOV-ZA. Registrationasasubscribertodeedsweb.2010-03-25.st.txt</fn>
Deeds registry e buletswe motho e mong le e mong ho tswa setjhabeng hore a kgone ho fumana tlhahisoleseding.
Bakeng sa ho fumana dintlha tsena, o lokela ho ba subscriber e ngodisitsweng ya Deedsweb ka ha ho na le tefello e beuweng e lefiswang.
Tlatsa foromo ya ngodiso online.
O tla fuwa lebitso la mosebedisi. Hona e tla ba nomoro ya hao ya akhaonte bakeng sa merero yohle ya ditjhelete. O tla nehwa hape le password leo o lokelang ho le tjhentjha ka potlako ka mora moo.
Lefa tjhelete ya ngodiso. Ditaelo tsa banka le dintlha di hlahella weposaeteng.
ofisi ya Chief Registrar e tla kenya akhaonte ya hao tshebetsong mme o tla kgona ho fumana tlhahisoleseding weposaeteng.
mafelong a kgwedi e nngwe le e nngwe o tla fumana setatemente. Setatemente sena hape se fumaneha weposaeteng ho etsa hore o kgone ho bona ditefiso le ho o hopotsa hore o lefe akhaonte.
Hang ho ba o ngodiswe, tlhahisoleseding e fumaneha ka potlako.
<fn>GOV-ZA. Registrationasenvironmentalservices.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho ba lakatsang ho sebetsa jwalo ka borasaense ba tlhaho ho hlokwa hore ba ngodise ho South African Council for Natural Scientific Professions.
batho ba sa ngodisang ha ba a dumellwa ho etsa mosebetsi o hlwaetsweng batho ba ngodisitseng.
Keng ha ho hlokahala hore o ngodise?
Motho ofe kapa ofe ya lakatsang ho ngodiswa jwalo ka Setsebi sa Saense ya Tlhaho temeng ya Saense ya Lekgotleng la Molao o tshwanela ho ba le dikri ya dilemo tse nne ya B. Sc, B. Sc. Honours kapa B. Tech. disaenseng tsa tlhaho.
di tlameha ho balwa ka botebo le bophara bo eketsehileng dilemong tse nne di tlameha ho thehwa bonyane hodima dithuto tse pedi tse tshwanelehileng tsa mohato-I wa motheo tsa saense ya tlhaho tsa fisika, khemistri, mmetse le /kapa bayoloji, le hore bonyane ba 50% ba dithuto lenaneong di tlameha ho hlophiswa jwalo ka dithuto tsa disaense tsa tlhaho.
O tshwanela ho kgona ho nehelana ka bopaki ba kwetliso ho Saense ya Lekgotleng la Molao kapa Dipatlisiso, mohlala, ho hlahloba tokomane, patlisiso ka mollo, patlisiso ya letshwao la sesebediswa, patlisiso ya botjhutjhisi, mekgwatshebetso ya molao le lekgotla, paki e hlwahlwa, kapa dithuto tse ding tse kgutshwane tse ananetsweng.
O tlameha ho ba le rekoto e hlakileng ya mosebetsi le phuputso e nyalanang le saense ya lekgotleng la molao.
tshehetso ya botegniki patlisisong ya dikotsi tsa sephethephethe mebileng, kahobotjha ya diketsahalo tse lebisang ho thulano, tlhahlobo e tebileng ya dikarolo tsa sepalangwang, tsebo e itseng ya teknoloji ya dikoloi.
patlisiso ya sethunya thuto ya ditokomane tsa potso - ho hlwaya mongolo ho hodisa bopaki ba sebaka le ho fumaneha ho hodisa bohlokwa ba bopaki ho ngola ka mokgwa wa saense phuputso e nyalanang le lekgotla la molao boiphihlelo tikolohong ya laboratori mosebetsi wa tlhophollo o thehilweng ho bayoloji le khemistri ho ba teng sebakeng sa tlolomolao ka matla a boeletsi boikarabelo ba bookamedi sebakeng sa laboratori e hlahlobang dintho tsa kamano tse nyalanang le ditlolomolao ditlhophollo tsa - bayoloji, khemistri, dithethefatsi le tjhefu bopaki ba saense bo hlokang leeme makgotleng a molao ho tshehetsa dipatlisisong tsa tlolomolao tsa botjhutjhisi kapa tshireletso mosebetsi wa difoto.
Kenyeletsa tefiso e balletsweng ya ngodiso ho kopo.
Lekgotla le tla ngodisa mme le ntshe setefikeiti sa ngodiso ha le kgotsofetse hore o na le dithuto tse tshwanelehileng tse hlokwang le boiphihlelo jwalo ka ha ho hlomamisitswe ke Lekgotla.
Puisano ya botho e tla dulelwa le wena ke lequlwana la bonyane batho ba babedi ba thontsweng ke SACNASP Professional Advisory Committee e tshwanelehileng.
SACNASP mme di tiiswe ke Lekgotla le feletseng.
Diphetho tsa tlhahlobo ha di tlo phatlalatswa ho fihlela ka mora phutheho ya Lekgotla.
Ha e le hore, ka mora ho qala ha Constitution of the Republic of South Africa, 1996 , mokopi o ahlotswe ka tlolomolao, mohlomong Rephaboliking kapa sebakeng se seng, mme o ahloletswe ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse tharo kapa kotlo jwalo ka mokgwa o mong wa kahlolo ya hoo.
Ha Lekgotla le Phahameng la Molao le phatlaladitse hore mokopi ha a a phela hantle kelellong kapa o ferekane kelello, kapa o tshwerwe tlasa Mental Health Act, 2002.
Ha mokopi a tlositswe setulong sa botshepehi ka lebaka la boitshwaro bo bobe.
Ha mokopi e le motho ya tjhonneng ya sa busetswang madulong eo ho tjhona ho bakilweng ke bohlaswa ba hae kapa ho hloka bokgoni ba ho phetha mosebetsi o welang tlasa mokga oo a etsang kopo ya ngodiso ho wona.
Lekgotla le tla o tsebisa ka ho ngola ha kopo ya hao ya ngodiso e latotswe.
O ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto ya Lekgotla nakong ya matsatsi a 30.
O tlameha ho etsa kopo ho Lekgotla bakeng sa ntjhafatso ya ngodiso ya hao bonyane dikgwedi tse tharo pele ngodiso ya hao e fellwa ke nako.
Ngodiso e ka nka dibeke tse tsheletseng ho ya ho tse robedi ho itshetlehile ho nehelano ya ditokomane tse hlokwang.
Bakeng sa ho banka ka mokgwa wa elektroniki le kenya tjhelete ka ho otloloha: Thusa o sebedise ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ho hlwaya tefo ya hao setatementeng sa banka ya rona mme o romele bopaki ba tefo ka fekse mmoho le leqephe la pele la foromo ya hao ya kopo ho 012 841 1057.
<fn>GOV-ZA. Registrationofagriculturalremedy.2010-03-25.st.txt</fn>
Meriana yohle ya tsa temo e amohelwang e le ditswantle, e entsweng, e hlahisitsweng kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e tlameha ho ngodiswa ho Registrar Act 36 of 1947 . Meriana ya tsa temo e akga di-pesticides , di-insecticides , di-fungicides , di-herbicides (dibolai tsa dihlahla), meriana e laolang ho hola ha dimela, di-defoliants (dibolai tsa mahlaku), di-desiccants (meriana ya ho omisa) le di-legume inoculants (diente tsa dimela tse nang le dikotola).
Khampani ya mose ha e a tshwanela ho etsa kopo ya ho ngodisa mona Afrika Borwa. Kopo ya ho ngodisa meriana ya tsa temo e ka etsuwa feela ke khampani ya lehae e ngodisitsweng, moahi wa RSA kapa lekgotla le molaong le ngodisitsweng mona Afrika Borwa.
Mongodisi: Act 36 of 1947 o tlameha ho tsebiswa ka mongolo maikemisetso a ho tsamaisa diteko tse hlokwang bakeng sa ngodiso ya meriana ya tsa temo ho etsetsa hore a kgone ho hlahloba ho sebetsa ha yona ka katleho.
Mongodisi a ka batla tlhahisoleseding e eketsehileng hore a hlomamise hore na moriana o a amoheleha malebana le molemo setjhabeng, ho tshwaneleha le katleho ya ho sebetsa ho ya ka bayoloji.
Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka botlalo. Moo ho hlokahalang, tlhahisoleseding e kotjwang e ka romelwa jwalo ka dihokelo tse arohileng tse nomoruweng.
Mananeo I le II a sebediswa jwalo ka mananeo a ho lekola le tshupane ya ho etsa bonnete ba hore mokopi o nehelane ka data yohle e tshwanelehileng.
lediboho la ho kena tekanyetso ya moriana prothokholo ya teko sebaka sa diteko metswako e sebetsang tlhahisoleseding efe kapa efe e nngwe eo Mongodisi a ka e batlang boholo bo tla amohelwa jwalo ka setswantle.
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla amohelwa mabapi le tshitiso efe kapa efe e ka bang teng.
Dintjhafatso di ka etsuwa ho tloha ho mohla la 1 Pherekgong ho ya ho 31 Hlakubele.
Tjhadimobotjha ya motswako o motjha o sebetsang e ka nka ho ya fihla ho selemo se le seng. Dikopo tsa ditshebediso tse ntjha kapa dikaheho di atisa ho hlophiswa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.
Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.
<fn>GOV-ZA. Registrationofapatent.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshireletso ya seqatjwa/ tlhahiso ke tokelo e ikgethang e nehelwang bakeng sa qapo. Qapo e jwalo e tlameha ho ba sehlahiswa kapa tshebetso e nehelanang ka mokgwa o motjha wa ho etsa ntho e itseng, kapa e nehelang ka tharollo e ntjha ya botegniki bakeng sa qaka.
Tshireletso ya seqatjwa /tlhahiso ke tshireletso ya qapo bakeng sa monga tshireletso ya seqatjwa. Tshireletso e nehelwa bakeng sa nako e nang le moedi, ka kakaretso dilemo tse 20. Tshireletso ya seqatjwa e bolela hore qapo e ke ke ya sebediswa bakeng sa kgwebo, ya sebediswa, ya phatlalatswa kapa ya rekiswa ntle ho tumello ya monga yona.
Fumana diforomo tsa kopo tse hlokahalang ofising ya Mongodisi wa Tshireletso ya Diqatjwa.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Kenya kopo ya nakwana foromong e tshwanelehileng - ketso ena e ka etsuwa ke mokopi ka thuso kapa ntle le thuso ya leqwetha.
Kenya kopo e feletseng - ena e tlameha ho etsuwa ka leqwetha la tshireletso ya seqatjwa.
Tshireletso ya seqatjwa ya nakwana e nka dikgwedi tse pedi ho ngodiswa.
Kopo e feletseng e nka dikgwedi tse ka bang tshelela ho qetwa.
<fn>GOV-ZA. Registrationofdieselfuelrefund.2010-03-25.st.txt</fn>
Kgwebo efe kapa efe e tsamaisang ditshebetso tse amohelehileng mme e ngodisitsweng bakeng sa maikemisetso a VAT tlasa molao wa Value-Added Tax Act, 1991 - mohlomong ka tlamello kapa ka boithaopo - e ka etsa kopo ya ngodiso ya pusetso ya disile ka ho tlatsa VAT 101D.
Kopana le kantoro ya lehae ya Kuno ya Afrika Borwa ho fumana foromo ya kopo. Ka mokgwa o mong ntsha mme o tlatse foromo, Application for registration of diesel refund, VAT 101D kapa ngodisa ka tsela ya khompyutara.
Barekisi ba ngodisitsweng ba tlameha ho kenya nomoro ya bona ya ngodiso ya VAT. Bakopi ba sa ngodisang bakeng sa VAT ba tlameha ho tlatsa foromo ya VAT101 hore ba fumane nomoro ya ngodiso ya VAT, pele ba etsa kopo ya ho ngodiswa ho Diesel Refund System.
Letsatsi la ho tlamelleha le ka se be pele ho mohla la 4 Julae 2001. Letsatsi la ho tlamelleha la dingodiso tse ntjha e tla ba letsatsi leo mokopi a tlamellehang ka lona ho ngodisa bakeng sa VAT.
Pusetso ya disile e tla lefshwa ka ho kenngwa akhaonteng e kgethehileng ya banka ka mokgwa wa Electronic Bank Transfer . Ha ho ditjheke tse tla ntshuwa. Dintlha tsa banka tseo ho nehelanweng ka tsona foromong ya VAT101D di tla nka sebaka sa dintlha tse teng tsa banka tshebetsong ya VAT, ha di sa tshwane.
Tsebisa kantoro ya lehae ya Kuno ya Afrika Borwa ha dintlha tsa banka di fetohile.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Registrationofsterilisingplants.2010-03-25.st.txt</fn>
Kaofela difaktori tsa mosebetsi wa ho bolaya dikokwanahloko tse sebetsang mona Afrika Borwa di tlameha ho ngodiswa ho Mongodisi: Act 36 of 1947 . Faktori ya mosebetsi o bolayang dikokwanahloko e sebediswa ho bolaya dikokwanahloko masapong kapa dintho tse ding tse tswang diphoofolong.
Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka dikopi tse tharo. Foromo hape e ka kotjwa ho Mongodisi: Act 36 of 1947 . Tshaeno ya nnete e a hlokeha ho foromo e nngwe le e nngwe e arohileng.
Ngodiso e ka nka dikgwedi tse 3.
<fn>GOV-ZA. Registrationofvat.2010-03-25.st.txt</fn>
O na le tlamo ya ho ngodisa bakeng sa VAT ha kuno eo o e fumanang ha o rekisa diphahlo kapa tefo e tswang ho ditshebeletso tse nehelwang e feta R300 000 ka selemo, kapa ho lebelletswe ka mokgwa o amohelehileng hore e fete tjhelete eo.
Motho hape a ka ngodisa ka boithaopo ha tjhelete e potolohang nakong ya dikgwedi tse leshome le metso e mmedi e feta R20 000 kapa ho na le kgonahalo ya hore e fete R20 000.
Dikopo tsa ngodiso e tlamang esita le ya boithaopo di tlameha ho etsuwa foromong ya VAT 101 , e ka laollwang ho inthanethe karolong ya diforomo e ka tlase kapa e fumanwe ho Moamohedi wa Lekgetho wa lefapha la lehae. Foromo e tlameha ho romelwa ofising ya hao ya lehae ya SARS pele ho feta matsatsi a 21 ho tloha letsatsing la ho tlamelleha.
Kopi e tiiseleditsweng ya ID ya morekisi le ID ya mohatsae ha a nyetse ka ho kopanela thepa.
Maemong a batho ba molaong jwalo ka dikhampani, dikoporasi tsa batho ba mmalwa le ditraste, ID ya moemedi wa morekisi.
Maemong a khampani ya baditjhaba, dintlha tsa botho tsa moemedi ya thontsweng mona Afrika Borwa.
Setatemente sa moraorao sa banka, tjheke e hlakotsweng kapa lengolo le tswang bankeng le pakang dintlha tsa hao tsa banka ya Afrika Borwa. Ha akhaonte ya banka e se lebitsong la morekisi, ho tlameha ho tlatswe foromo VAT 119i.
Lengolo la ho thonywa jwalo ka mohlahlobi wa dibuka wa ka ntle, akhaontente kapa mohlahlobi wa ditjhelete ha Karolo 7 ya VAT 101 e tlatsitswe.
Kopi ya moraorao ya akhaonte ya mmasepala kapa khiriso jwalo ka bopaki ba aterese.
Moralo wa kgwebo, boithuto ba kgonahalo, dikontraka tse saennweng, tumellano ya franchise kapa diponelopele kapa bopaki bo bong bo bontshang hore boleng ba thepa e ka lefellwang lekgetho bo ka feta R300 000. Hona ha ho hlokahale ha o se o fetile R300 000. Maemong a ngodiso ya boithaopo bopaki bo tlameha bo romelwa ba potoloho e tobileng ya tjhelete ba hore e fetile R20 000.
Laesense e tshwanelehileng ya kgwebo eo, mohlala laesense ya jwala kapa ya ho tshwasa ditlhapi.
Hang ha kopo ya ho ngodisa e entswe, Moamohedi wa Lekgetho o tla o bolella ka nomoro ya hao ya ngodiso. O tla fumana hape le lengolo la bopaki la ngodiso ya VAT e leng lengolo la.
O tla tsebiswa hape ha ngodiso ya hao e latotswe.
Dumella matsatsi a ho sebetsa a 10 bonyane hore ofisi ya lekala la lehae e hlophise ditokomane tsa hao. Lengolo la bopaki le tla posetswa atereseng ya poso eo o e nehileng kopong ya hao ya ho ngodisa mme e tshwanela ho fumaneha nakong ya dibeke tse pedi tsa ho hlophiswa ha kopo ya hao. Basebetsi ba ha SARS ha ba a dumellwa ho o bolella ka molomo nomoro ya hao ya VAT.
Tshebeletso ena ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Registrationofveterinaryexportfacilities.2010-03-25.st.txt</fn>
Diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo di ka romelwa ka ntle feela ha di tswa dibakeng tse latelang maemo a amohelehileng a matjhaba kapa melao ya ho kenya thepa ka hara naha. Dibaka tsena e ka ba dilakga tse ananetsweng, ditsi tsa moo ho kengwang peo ya botona ka letsoho, setsi sa pokello, polasi, feedlot, fektri ya ho prosesa dijo , dibaka tse bolokang dijo, jj.
Iteanye le Ngaka ya mmuso ya diphoofolo Provinseng ya lona ho etsa kopo ya hlahlobo bakeng sa ngodiso ya diyantle.
Ngaka ya diphoofolo ya Mmuso e provinseng e hlahloba sebaka.
Tlaleho ya hlahlobo e romelwa Lefapheng la temo ho ya tjhaelwa monwana ka kgothaletso ya ho qetela ya Ngaka ya Diphoofolo ya Provinse.
Ha se tjhaetswe monwana, sebaka se ya ngodiswa e be ho fanwa ka setifikeiti sa ngodiso.
Nako e nkuwang ka ngodiso hore e phethahale e fapana ka ho ya ka provinse ka nngwe.
Hona ho ya ka provinse.
Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Iteanye le Ngaka ya mmuso ya diphoofolo Provinseng ya lona goba le Lefapha la Temo.
<fn>GOV-ZA. Rehabilitationbyinsolvent.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ya tjhonneng ke mokoloti eo leruo la hae di ba tlasa kgapo ka molao . Ha o nyetse/nyetswe ka kopanelo ya propati mme molekane wa hao a tjhona, Insolvency Act, 1936 , o nka hore le wena o ya tjhonneng.
Ha motho ya tjhonneng a batla ho tadingwa jwalo ka ya seng a sa tjhona nakong ya dilemo tse leshome a neng a phatlaladitswe a tjhonne, a ka etsa kopo ya ho busetswa madulong.
Ke mang ya ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?
motho ya tjhonneng ka boyena akgente e matlafaditsweng ka molao ya motho ya tjhonneng, ha motho ya tjhonneng a sa dule Afrika Borwa mohlolo kapa mohlolohadi wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati molekane wa mehleng wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati balaodi ba mafa ba leruo la mofu ya tjhonneng.
Ke ka pele hakae ka mora ho hapelwa matla a taolo ya leruo moo motho ya tjhonneng a ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?
hang ha ditseko tsohle tsa ba kolotwang le ditefiso tsa ho hapa taolo di lefuwe ka botlalo kapa ha motho ya tjhonneng a entse nehelo ya sebopeho e amohetsweng ke dikotara tse tharo tsa batho ba kolotwang ke yena ka palo le boleng, mme motho ya tjhonneng mohlomong a entse tefo kapa a nehelane ka tshireletso.
lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
ha motho ya tjhonneng a se a hapetswe matla a taolo ho feta lekgetlo le le leng empa tlasa pehelo ya hore motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
maemong ao motho ya tjhonneng ya ileng a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
ha dilemo tse leshome di fetile, motho ya tjhonneng o tla nkuwa a kgutletse madulong ntle le ha lekgotla le laela ka mokgwa o mong ho latela kopo ya motho ya nang le thahasello. Kopo ena e tlameha ho etsuwa nakong ya dilemo tsa leshome.
Ha o a tshwanela ho etsa kopo ya ho busetswa madulong ka bowena, empa o tla hloka thuso ya molao.
Hokahana le leqwetha kapa ofisi ya Master ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng le thuso.
Qoqa ka bolelele ba nako ya kopo le leqwetha la hao.
Qoqa ka ditefiso le leqwetha la hao.
Ha ho diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA. Rehabilitationfordisabled.2010-03-25.st.txt</fn>
Ditshebeletso tsa tsosoloso ho fanwa ka tsona bathong ba holofetseng ho ba thusa hore ba fihlele le ho boloka maemo a bona a ho sebetsa.
Ditshebeletso tsa motheo tsa tsosoloso ke ditshebeletso tsa thibelo tse bopang boitshepo le bokgoni ba tlelaente. Hona ho kenyelletsa dikeletso tsa kalafo, ditshebeletso tsa lapeng, dihlopha tsa tshehetso le ho ithusa, le mananeo a temoso le kgothatso.
Tsosolosos ya boemo ba bobedi ke ditshebeletso tsa ho kena dipakeng ho sa na le nako tse kenyelletsang diwekeshopo tsa tshireletso, tlhokomelo ya motsheare le ditshebeletso tsa tshusumetso, ho iketsetsa kuno le diprojeke tsa ho fedisa bofuma, kgodiso ya ngwana dilemong tsa ho qala, le ditshebeletso tsa phomolo.
Tsosoloso ya boemo ba theshiari ke ditshebeletso tsa semolao tse kenyelletsang dibaka tsa bodulo tsa tlhokomelo, ditshebeletso tsa kgodiso ya bana le tsa ho thola bana, le ditshebeletso tsa kaho botjha le tsa tlhokmelo ya ka mora nako.
Tsosoloso e ikgethang le ya seakademiki ke ditshebeletso tse jwalo ka ho rupella le ho kwetlisa, ho fana ka matla, leano le ntshetsopele ya lenaneo, le diphuputso.
E ya setsing haufi le wena sa tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle kapa tliliniking bakeng sa hlahlobo mme o tla romelwa bakeng sa tsosoloso sepetlele kapa ngakeng ya botsebi bo ikgethang boemong ba bobedi kapa ba theshiari.
Kopo e ka nka dikgwedi tse 3 hore e sebetswe. Nqeng tse ding batho ba kengwa lenaneng la ho leta bakeng sa dikgwedi tse 6.
Nqeng tse ding, 75% ya thuso ya kgolofalo e nkuwa e le karolo ya ditjeo. Ditjeo tse ding di hlwauwa ke sebaka ka seng. Dibaka tse ding di lekanya ditjeo ka ho ya ka seo lelapa le ka se kgonang. Kaofela ha ditjeo tsena di fapana ka ho ya ka provinse.
Diforomo tsa kopo tse lokelwang ho tlatswa di behwa ke ba setsi sa tsosoloso kapa setsi sa tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle.
<fn>GOV-ZA. Rehabilitationofdisabledpersons.2010-03-25.st.txt</fn>
Ditshebeletso tsa tsosoloso ho fanwa ka tsona bathong ba holofetseng ho ba thusa hore ba fihlele le ho boloka maemo a bona a ho sebetsa.
Ditshebeletso tsa motheo tsa tsosoloso ke ditshebeletso tsa thibelo tse bopang boitshepo le bokgoni ba tlelaente. Hona ho kenyelletsa dikeletso tsa kalafo, ditshebeletso tsa lapeng, dihlopha tsa tshehetso le ho ithusa, le mananeo a temoso le kgothatso.
Tsosolosos ya boemo ba bobedi ke ditshebeletso tsa ho kena dipakeng ho sa na le nako tse kenyelletsang diwekeshopo tsa tshireletso, tlhokomelo ya motsheare le ditshebeletso tsa tshusumetso, ho iketsetsa kuno le diprojeke tsa ho fedisa bofuma, kgodiso ya ngwana dilemong tsa ho qala, le ditshebeletso tsa phomolo.
Tsosoloso ya boemo ba theshiari ke ditshebeletso tsa semolao tse kenyelletsang dibaka tsa bodulo tsa tlhokomelo, ditshebeletso tsa kgodiso ya bana le tsa ho thola bana, le ditshebeletso tsa kaho botjha le tsa tlhokmelo ya ka mora nako.
Tsosoloso e ikgethang le ya seakademiki ke ditshebeletso tse jwalo ka ho rupella le ho kwetlisa, ho fana ka matla, leano le ntshetsopele ya lenaneo, le diphuputso.
E ya setsing haufi le wena sa tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle kapa tliliniking bakeng sa hlahlobo mme o tla romelwa bakeng sa tsosoloso sepetlele kapa ngakeng ya botsebi bo ikgethang boemong ba bobedi kapa ba theshiari.
Kopo e ka nka dikgwedi tse 3 hore e sebetswe. Nqeng tse ding batho ba kengwa lenaneng la ho leta bakeng sa dikgwedi tse 6.
Nqeng tse ding, 75% ya thuso ya kgolofalo e nkuwa e le karolo ya ditjeo. Ditjeo tse ding di hlwauwa ke sebaka ka seng. Dibaka tse ding di lekanya ditjeo ka ho ya ka seo lelapa le ka se kgonang. Kaofela ha ditjeo tsena di fapana ka ho ya ka provinse.
Diforomo tsa kopo tse lokelwang ho tlatswa di behwa ke ba setsi sa tsosoloso kapa setsi sa tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle.
<fn>GOV-ZA. Relativespermit.2010-03-25.st.txt</fn>
Phemiti ya wa leloko e nehwa motho ya tswang naheng ya ka ntle eo e leng setho sa lelapa la moahi kapa modudi wa Afrika Borwa. Moahi kapa modudi ya jwalo o lokela ho fana ka tiisetso e beuweng ya ditjhelete. Phemiti ya wa leloko e sebetsa bakeng sa boholo ba dilemo tse pedi.
Hlahisa bopaki ba ho ba setho sa lelapa la moahi kapa modudi ya tshehetsang.
Romela setifikeiti sa chartered accountant kapa bopaki ba tokomane e tsamaelanang le hoo e tiisetsang mokgwa oo batshehetsi ba tla tshehetsa ka teng kapa tshehetso ya batshehetsi mmoho le ya hao ka kopanelo. Tshehetso ha ya tshwanela ho ba ka tlase ho R5 000 ka kgwedi bakeng sa motho nakong eo a etileng.
Bopaki ba dikamano tsa bahatsa ha ba nyetse, ba arohane, ba hladile kapa e mong a hlokahetse.
Clearance certificate sa mapolesa ha o le dilemo tse 21 le ka hodimo ho moo, bakeng sa dinaha tsohle tseo o dutseng ho tsona selemo se le seng kapa ka hodimo ho moo, se lokelwa ho romelwa dikgweding tse 12 haebe ha se fumanehe ka potlako.
Tshebeletso ena e nka boholo ba nako e etsang matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Renewaloflicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Laesense ya hao ya ho kganna ya karete ya mokitlana e amohelehile dilemo tse hlano ho tloha letsatsing leo e ntshitsweng ka lona mme e tlameha ho ntjhafatswa ka mora nako ena. Le ha letsatsi leo e fellwang ke tshebediso le hlahella laesenseng ya hao, tsebiso ya ntjhafatso le yona e tla romelwa ho wena.
O ka ntjhafatsa laesense ya hao nako efe kapa efe pele e fellwa ke nako ya tshebediso. Laesense e ntjha e tla amoheleha dilemo tse hlano ho tloha letsatsing la ntjhafatso.
Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho kganna, kantorong ya heno e haufinyana ya sephethephethe.
bukana ya boitsebiso , ID ya nakwana, karete ya kgale ya laesense ya ho kganna kapa phasepoto e amohelehileng ya Afrika Borwa dinepe tse pedi tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu ditefello tsa kopo.
O ke ke wa kotjwa ho etsa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna, empa o tla etsa teko ya mahlo. Haeba ponelo ya hao e fokotse ho tloha letsatsing leo laesense ya hao e neng e ntshwa ka lona, maemo a matjha a tla kgomathiswa laesenseng ya hao.
Laesense ya hao ya ho kganna e ntjha e tla loka dibekeng tse nne ho isa ho tse tsheletseng.
<fn>GOV-ZA. Renewalofregistrationofsterilisingplants.2010-03-25.st.txt</fn>
Kaofela dimela tse bolayang dikokwanahloko tse sebetsang mona Afrika Borwa di tlameha ho ngodiswa ho Mongodisi: Act 36 of 1947 . Semela se bolayang dikokwanahloko se sebediswa ho bolaya dikokwanahloko masapong kapa dintho tse ding tse tswang diphoofolong.
Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.
Tlatsa foromo ya kopo ka dikopi tse tharo. Tshaeno ya nnete e a hlokahala ho foromo ka nngwe e arohileng.
Ngodiso e ka nka dikgwedi tse 3.
<fn>GOV-ZA. Renewalofvehiclelicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikoloi kaofela tse tsamayang mebileng ya setjhaba di tlameha ho ntjhafaletswa dilaesense tsa tsona selemo le selemo. Ke boikarabelo ba monga koloi ho netefatsa hore laesense ya koloi e ntjhafaditswe. Ho hloleha ho ntjhafatsa laesense ya koloi ho tla tswala dikotlo.
Ho na le nako ya kgauhelo ya matsatsi a 21 bakeng sa banga ba dikoloi ba esong ho ntjhafatse dilaesense tsa dikoloi tsa bona tse fetilweng ke nako e behetsweng. Nako ya kgauhelo e balwa ho tloha letsatsing la ho qetela la nako e behetsweng diski ya laesense ya nako eo. Ntjhafatso ya laesense e lokela ho etswa bolaoding ba boingodiso moo koloi e laesensitsweng teng.
Tlatsa foromo ya MVL1, Kopo ya laesense ya koloi kantorong ya heno ya bolaolasephethephethe e haufinyane.
Etla le bukana ya hao ya boitsebiso le lengolo la tsebiso.
Lefa tjhelete ya tlhahlobo ya laesense e boletsweng tsebisong.
Kopo e sebetswa ka letsatsi leo e kentsweng ka lona.
<fn>GOV-ZA. Renewapproveanimalforcollectionofsemen.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ya nang le lengolo la bopaki ba tumello ya phoofolo jwalo ka mofani wa lero la botona, a ka etsa kopo ho Registrar of Animal Improvement bakeng sa ho ntjhafatsa ngodiso.
Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement.
maemo a bophelo ka bophara ho hloka bolwetsi boleng ba lero la yona la botona.
Dikopo di tlameha ho finyella ho Mongodisi ho sa feta matsatsi a 30 pele ho letsatsi la ho fellwa ha tumello. Ha kopo e fumanwa nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la ho fellwa, tefiso e ekeditsweng e balletsweng e tlameha ho lefshwa.
Ntjhafatso ya ngodiso e ka nehelwa nakong ya matsatsi a 30.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. ReneworCancelRegistrationofFertilizers.2010-03-25.st.txt</fn>
Menontsha yohle e rekwang ho tswa ka ntle, e hlahiswang kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e lokela ho ngodiswa le Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947.
ditlhophiso tsa phepelo ya dijo tsa polasing ha di fapohe ditlhophisong tse ngodisitsweng dintlha le mantswe a ananetsweng bakeng sa leibole kapa setshelo a ke ke a fetolwa pele ntle le tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra dipehelo tse beuweng ka nako ya ngodiso di a latelwa ngodiso e amehang e ke ke ya transferwa boholo ba mokotla kapa setshelo bo ke ke ba fetolwa pele ho tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra.
Ofisi ya Rejistra selemo le selemo e tla romela mangolo a ntjhafatso mmoho le diforomo tse tshwanetseng ho bohle ba ngodisitsweng.
nako ya ntjhafatso ke la 1 Phato ho ya ho la 30 Tshitwe.
tlatsa foromo ya B di be tharo mme o hatise o sebdisa ditlhaku tse kgolo feela romela setifikeiti sa mantlha sa ngodiso.
foromo ya C e lokelwa ho tlatswa mme romelwe le foromo ya A.
Ntjhafatso e etswa feela ka mora ho fumana tefello.
<fn>GOV-ZA. Renewregistrationofagriculturalremedy.2010-03-25.st.txt</fn>
Meriana yohle ya tsa temo e amohelwang e le ditswantle, e entsweng, e hlahisitsweng kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e tlameha ho ngodiswa ho Registrar : Act 36 of 1947.
Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.
letsatsi la ho qetela la dintjhafatso ke la 30 Phupjane.
tlatsa Form B ka dikopi tse tharo mme o ngole o arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo feela romela lengolo la bopaki la ngodiso ya sethatho.
tlatsa Form C ho ntjhafatsa rekoto ya mongodisi ya tlhahisoleseding ya dikgokahano, mohlala, aterese, nomoro ya founu, le motho wa dikgokahano.
Dintjhafatso di etsuwa ha ho fumanwe tefo.
Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.
<fn>GOV-ZA. Renewregistrationoffarmfeedorpetfood.2010-03-25.st.txt</fn>
Phepelo yohle ya dijo tsa mapolasing e rekwang ho tswa ka ntle, e hlahiswang bakeng sa ho rekiswa mona Afrika Borwa e lokelwa ho ngodiswa le Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947.
ditlhophiso tsa phepelo ya dijo tsa polasing ha di fapohe ditlhophisong tse ngodisitsweng dintlha le mantswe a ananetsweng bakeng sa leibole kapa setshelo a ke ke a fetolwa pele ntle le tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra dipehelo tse beuweng ka nako ya ngodiso di a latelwa ngodiso e amehang e ke ke ya transferwa boholo ba mokotla kapa setshelo bo ke ke ba fetolwa pele ho tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra.
Ofisi ya Rejistra selemo le selemo e tla romela mangolo a ntjhafatso ho bohle ba ngodisitsweng mmoho le diforomo tsa kopo.
nako ya ntjhafatso ke la 1 Phupu ho ya ho la 30 Loetse.
tlatsa Foromo ya B di be tharo mme o hatise o sebdisa ditlhaku tse kgolo feela romela setifikeiti sa mantlha sa ngodiso.
foromo ya C e lokelwa ho tlatswa mme romelwe le foromo ya A.
Ntjhafatso e etswa ka mora ho fumana tefello ya hao.
<fn>GOV-ZA. Repayingsocialgrants.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha o fumana thuso kapa tjhelete eo o sa tshwanelang ho e fumana, o tla lokela ho e kgutlisetsa hape ho mmuso, ntle le haebe ba Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba kgotsofetse hore o ne o sa tsebe hore o lokela ho e fumana. Nqeng ena thuso eo ya setjhaba e tla fediswa kapa e hlakolwe, jwalo ka ha e tla nkuwa e le bomenemene.
Na tshebeletso ena e sebetsa ho bo mang?
Ho hlokahala. Ha thuso e lefuwe motho ya hlokahetseng, tjhelete e tla batlwa ho tswa ho bajalefa ba hae.
Ha motho a le siyo Afrika Borwa bakeng sa nako ya bolelele ba dikgwedi tse ka hodimo ho tsheletseng tse latelanang.
Ha o ka lemoha hore o fumana thuso eo o sa tshwanelang ho e fumana, o lokela ho tsebisa ofisi ya Thuso ya Setjhaba e haufi le wena.
Lefapha le tla hlakola palo e kolotwang ha le ka kgotsofala hore o ne o sa tsebe hore o tshwaneleha ho fumana tjhelete eo.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha ka ho sebedisa kgetho ya hae a ka tswela pele ka qoso ya semolao kgahlanong le motho.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha a ka dumella tefello hore e tswele pele bakeng sa nako e itseng tlasa dipehelo tse ding tse itseng tse tla behwa ke motho ya batlang ho kgutlisa thuso. Kopo e lokelwa ho etswa matsatsing a 90 a ho emiswa ha thuso eo ya setjhaba.
Ha motho a batla ho lekola botjha thuso ya setjhaba e fedisitsweng, o lokela ho phatlalatsa ka kuno efe kapa efe eo a e fumanang ka nako eeo a etsang kopo botjha. Hona ho tla bopa motheo oo ho ona Lefapha le tla etsa qeto ya hore na le lekola botjha thuso kapa tjhe. Mokopi o tla tsebiswa ka sephetho sa kopo dikgweding tse 3 pele ho nako ya tekolo botjha kapa letsatsi leo setifikeiti se teswang ka lona.
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo di fumaneha diofisng tse haufi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.
<fn>GOV-ZA. Replacementoflost.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena ke ya bakganni ba nang le thuto e itseng ba lahlileng laesense tsa bona tsa ho kganna. Ho buseletswa laesense e lahlehileng kapa e senyehileng leba kantorong ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Leba kantorong ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya laesense ya ho kganna.
bukana ya Boitsebiso kapa phasepoto dinepe tse pedi tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu.
Lefa tjhelete ya kopo.
Teko ya mahlo e tla etswa setsing, le dikgatiso tsa menwana ya hao di tla nkwa.
O ka boela wa etsa kopo ya laesense ya ho kganna ya nakwana. Bakeng sa yona o tla hloka ho lefa tjhelete ya tlatsetso mme o fane ka senepe se seng sa ID sa mmala o motsho le o mosweu.
Laesense ya hao e ntjha e ka loka dibekeng tse nne ho isa ho tse tsheletseng.
Laesense ya ho kganna ya nakwana e ntshwa hanghang.
<fn>GOV-ZA. Reportabuseofelderly.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e hlalosa ka moo o ka nkang mehato ya ho qala ya tshebetso ya ho pholosa ka ho emisa kapa ho thibela tlhekefetso ya maqheku. Ho na le mefuta e fapaneng ya tlhekefetso eo maqheku a bang diphofu tsa yona.
Tlhekefetso ya mmele: Ketso efe kapa efe e bang le sephetho sa ho lemala kapa ho hlokahala ha leqheku ka mokgwa o ammeng mmele. Mohlala, ho otla, ho fopha, ho sututsa, ho mo tshwara ha bohloko, ho mo seha, ho sebedisa dikhemikhale kapa dintho tse sa hlokahaleng mmeleng, ho mo neha meriana ka tsela e sa nepahalang kapa ho feta tekano kapa ketso efe kapa efe e bakang kotsi, ho se tshwarehe ha monate mmeleng, ho nehwa meriana ho feta tekano kapa ho hlokahala.
Tlhekefetso ya thobalano: Ketso efe kapa efe e tla etsa hore leqheku le tshwarwe ka tsela e sa lokang morerong wa thobalano kapa ho tsosa takatso ya thobalano le sa tsebe, le sa utlwisise mme le ntle le tumello ya lona.
Tlhekefetso ya kelello, moya le puo: Mokgwa wa ho kgella tlase kapa ho tlontlolla leqheku, mme hoo ho be le sephetho se sa lokang tshebetsong ya kelello le moyeng. Mohlala, ho lahla, ho etsa hore motho a iphumane a le mokgelo kapa kgatello, ho hanela ka lerato le tshusumetso ya monahano, ho bitsa motho ka mabitso kapa ho mo soma, ho mo qosa le ho lebella ho hong ho yena.
Tlhekefetso kapa ho tshwarwa ka tsela e sa lokang mabapi le tsa ditjhelete kapa moruo: Ho sebedisa ka tsela e seng molaong kapa ka bomenemene ditjhelete tsa thuso tsa maqheku, dintho tsa bona tsa bohlokwa, matlotlo kapa ditjhelete, ntle le tumello ya bona kapa kutlwisiso kapa tsebo e felletseng ya hore ho tla etsahalang ka mora moo, kapa ka qobello.
Ho se tsotellwe: Ho se fane kapa ho timana ka tlhokomelo le dintho tse hlokehang tsa motheo tse batlehang bakeng sa bophelo bo botle ba mmele le kelello. Mohlala, kgaello ya dijo, mofuthu, bodulo, diaparo, meriana, tshehetso ya semoya, tshusumetso kapa ho se itsotelle ka bowena.
Tlolo ya ditokelo tsa botho : Ho hanela ka ditokelo tsa motheo tse jwalo ka hlompho, ho tlotleha, ho ba sephiring, bolokolohi ba monahano, tumelo, mehopolo, puo, ho ikutlwahatsa le metsamao ya maqheku. Mohlala, boloi moo ho ka bang le sekgobo, ho qhellwa ka thoko, ho lematswa mmeleng le ho bolawa.
Ke mang ya ka tlalehang tlhekefetso?
Motho ofe kapa ofe ya bonang leqheku le sa tsotellweng, le tshwerweng ka tsela e sa lokang kapa hampe, kapa ya nang le lebaka le utlwahalang la pelaelo ya hore hona ho a etsahala kapa ho etsahetse.
Tlaleha tlhekefetso kapa tlhekefetso eo o e belaelang ho Mosebeletsi wa Setjhaba ya Phahameng ofising ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa seteisheneng sa mapolesa se haufi le moo o dulang.
Ho seng jwalo, tlaleha tlhekefetso ntle le ho ipolela hore o mang ho HEAL nomorong ena 0800 003 081.
Dihoreng tse 48 o tlalehile, mosebeletsi wa setjhaba o tla batlisisa ka ketsahalo e be o ngola pehelo.
Ha motho ya tlalehang e le mosebeletsi wa setjhaba eo ka tlwaelo a tla sebetsana le taba eo, yena o lokela ho tswela pele ho batlisisa ka yona mme a fane ka pehelo e felletseng ofising ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba dibekeng tse 4.
Ha motho ya tlalehang e se mosebeletsi wa setjhaba, ke boikarabelo ba Mosebeletsi wa Setjhaba ya Phahameng wa ofising ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho romela taba eo moo ho tshwanetseng mme a lebelle pehelo dibekeng tse 4.
Haebe tlhekefetso e kenyelletsa Lehae la Maqheku, sebaka sa bodulo, mokgatlo o seng ka tlasa mmuso kapa mokgatlo o theilweng setjhabeng, mosebeletsi ho tswa ofising e ka thoko o lokela ho sebetsana le taba eo.
Ha motho ya hlekefeditsweng a sa batle ho tloswa moo, yena o lokela ho saena afidaviti e bontshang hore o hlaloseditswe ka ho hlaka ka sephetho sa ho se tloswe moo.
Haebe ha ho na le e le nngwe ho tsena tse ka hodimo, batla takatso ya motho. Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kapa Setho sa Lekgotla la Phethahatso ka mora moo se lokela ho kgetha motho ya tla namola.
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
<fn>GOV-ZA. Reportedlivestockdiseaseoutbreak.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ofe kapa ofe a ka fihlela tlaleho ya sewa sa mafu a diphoofolo mona Afrika Borwa weposaeteng ya Lefapha la Temo.
Kgwedi le kgwedi, dingaka tsa diphoofolo tsa mmuso Afrika Borwa ka bophara di romela ditlaleho tsa mafu a diphoofolo ho balodi ba bona ba Diprovinse ba Ditshebeletso tsa Bongaka ba Diphoofolo. Ditlaleho tsena e be di a lekolwa mme di romelwe Bolaoding ba naha ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo mane Pretoria, moo di kengwang databeising. Kgwedi le kgwedi ditlaleho tsa mafu a diphoofolo di a bokellwa ka ho sebedisa tlhahisoleseding ena. Ditlaleho tsena di romelwa bao ba nang le kgahleho mmoho le mekgatlo e naheng ka bophara ekasitana le dinaheng tsa matjhaba.
Tlhahisoleseding ena e ka fumanwa weposaeteng ya Lefapha la Temo. Etsa kopo ho Motsamaisi e Moholo: Bophelo bo Botle ba Diphoofolo ha o batla ho kenyelletswa lenaneng la kabo.
Tlhahisoleseding e fumaneha ka potlako weposaeteng.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na foromo e lokelwang ho tlatswa.
<fn>GOV-ZA. Reportingacrime.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebeletso ena e fuwa motho ofe kapa ofe ya leng lehlatsipa la bonokwane.
Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa e tla bula dokete ya nyewe e be ba batlisisa ka bonokwane boo, ba tshware babelaelwa e be ba isa nyewe makgotleng a dinyewe bakeng sa qoso.
Ha motho a bile lehlatsipa la bonokwane, yena a ka iteanya le mapolesa ka ho letsetsa nomorong ena 10111 kapa ka ho ya seteisheneng se haufi sa mapolesa ho ya tlaleha bonokwane.
Ha lepolesa le fihla sebakeng seo bonokwane bo etsahetseng ho sona, le tla nka setatemente ho motletlebi le ho dipaki ha ho kgoneha.
Lepolesa le tla be le se le ya seteisheneng sa mapolesa, le ristare nyewe bukeng ya mapolesa e tsejwang ka SAPS Crime Administration System e be le neha motletlebi referense e bitswang nomoro ya CAS.
Motletlebi o lokela ho etsa bonnete ba hore o boloka nomoro ena ya CAS jwalo ka referense ya dipatlisiso tsa nakong e tlang tse mabapi le nyewe ya bonokwane.
Ha motletlebi a ya seteisheneng s sebaka sa maponesa ho ya tlaleha bonokwane, yena o tla thuswa ke lepolesa ho Community Service Centre.
Lepolesa le tla qala ka ho buisana le motletlebi e be le nka setatemente ho tswa ho yena, e be le rejistara bonokwane boo bo tlalehuwang ho CAS.
Motletlebi o tla nehwa nomoro ya CAS e lokelwang ho sebediswa bakeng sa dipatlisiso tsohle tse mabapi le nyewe ya bonokwane e tlalehuweng.
Dokete ya nyewe e tlatsitsweng e nehwa lefokisi le tla fuputsa ka yona. Dipotso tsohle di lokelwa ho lebiswa ho lona lefokisi lena.
Lefokisi le tshwereng nyewe e itseng le tla phetha diphuputso e be le fana ka dokete lekgotleng le tshwanetseng la dinyewe bakeng sa qoso.
Lefokisi le tla tsebisa motletlebi hore o tshwanetse ho tla neng lekgotleng la dinyewe bakeng sa mamelo ya nyewe.
O tla thuswa ka potlako.
Tshebeletso ena ke mahala.
Lepolesa le nkang setatemente sa hao le tla tlatsa foromo.
<fn>GOV-ZA. Reportingestateofdeceased.2010-03-25.st.txt</fn>
Leruo la mofu le ba teng ha motho a hlokahala mme a siya leruo le/kapa tokomane eo e leng wili kapa e reretsweng ho ba wili. Leruo jwale le tlameha ho laolwa le ho ajwa, mohlomong ho ya ka wili ya mofu kapa, ha mofu a sa ka a siya wili, ho ya ka dipehelo tsa molao. Administration of Estates Act, 1965 , o balla mokgwatshebetso o tla latelwa tsamaisong ya leruo la mofu.
Leruo la mofu le tlameha ho tlalehwa kantorong ya Master nakong ya matsatsi a 14 a ho hlokahala. Lefu le ka tlalehwa ke motho ofe kapa ofe ya nang le taolo kapa polokelo ya thepa efe kapa efe eo e leng leruo la mofu, kapa ya nang le taolo kapa polokelo ya tokomane e entsweng ke mofu eo e leng kapa e habanyang ho ba wili.
Lefu le tlameha ho tlalehwa neng ho Master?
ha mofu a hlokahetse Afrika Borwa mme a siya thepa le /kapa tokomane efe kapa efe eo e leng wili kapa e reretsweng ho ba wili ha mofu a hlokahetse ka ntle ho Afrika Borwa, empa a siile thepa Afrika Borwa le/kapa tokomane efe kapa efe eo e leng wili kapa e reretsweng ho ba wili.
Leruo la mofu le tlameha ho tlalehwa kae?
Leha dikantoro tsohle tsa bomaseterata e le dintlha tsa tshebeletso ya Master mme maruo a mofu a ka tlalehwa teng, di na le taolo e nang le moedi mme di tla fetisetsa maruo ohle le diwili esita le maruo a fetang R50 000 ka boleng, kantorong ya provense ya Master. Ha o lakatsa ho tlaleha leruo le jwalo, ka mokgwa oo ho molemo ho etsa jwalo ka ho otloloha kantorong ya Master.
Ha boleng ba leruo bo le ka tlase ho R50 000, tlaleha leruo kantorong ya maseterata. Ha boleng bo feta R50 000, tlaleha ka ho otloloha kantorong ya Master.
ha mofu a ne a dula Afrika Borwa ka nako ya lefu la hae, tlaleha leruo ho Master ya nang le taolo ya sebaka seo mofu a neng a dula ho sona ka nako ya lefu la hae ha mofu a ne a sa dule Afrika Borwa ka nako ya lefu la hae, o ka tlaleha leruo ho Master ofe kapa ofe tlaleha lefu ka ho tlatsa Foromo J294: Death notice le tse ding ditokomane tse tshwanelehileng tse lenaneong le ka tlase o ka fumana Death notice le tse ding ditokomane kantorong efe kapa efe ya Master wa lekgotla le phahameng kapa ofising efe kapa efe ya maseterata boleng ba leruo le mofuta wa ho thonya o hlokwang o tla hlomamisa hore ke dife ditokomane tse lokelang ho tlatswa le ho tliswa.
ha e le leruo la mofu le hlokang wili kapa ha wili e sa thonya molaodi wa mafa ya kgethehileng kapa ha molaodi ya thontsweng a hlokahetse kapa a latotse thonyo.
Foromo J155: Ho nka boikarabelo le kamohelo ya ditaelo tsa Master.
setifikeiti sa sethatho sa lefu kapa kopi ya sona e tiiseditsweng setifikeiti sa sethatho sa lenyalo kapa kopi ya sona e tiiseditsweng - ha ho tshwaneleha diwili tsohle tsa sethatho le di-codicil ke hore, karolo ya keketso ya wili eo mohlomong e neng e lokisa wili ya sethatho kapa e raha karolo ya yona - kapa ditokomane tse reretsweng hono - ha di le teng lenaneo la batho ba kolotwang ke mofu - ha ba le teng phatlalatso e pakang hore leruo ha le so tlalehwe ofising e nngwe ya Master kapa ntlha e nngwe ya tshebeletso ya Master.
ha e le leruo la mofu le hlokang wili kapa ha wili e sa thonya molaodi wa mafa ya kgethehileng kapa ha molaodi wa mafa ya thontsweng a hlokahetse kapa a latotse thonyo.
a nehuwe tesello ya ho nehelana ka tshireletso wiling, kapa ke motswadi, molekane ka lenyalo kapa ngwana wa mofu.
setifikeiti sa sethatho sa lefu kapa kopi ya sona e tiiseditsweng setifikeiti sa sethatho sa lenyalo kapa kopi ya sona e tiiseditsweng - ha ho tshwaneleha diwili tsohle tsa sethatho le di-codicil ke hore, karolo ya keketso ya wili eo mohlomong e neng e lokisa wili ya sethatho kapa e raha karolo ya yona - kapa ditokomane tse reretsweng hono - ha di le teng.
Ha boleng ba leruo bo feta R125 000, mangolo a bolaodi a tlameha ho ntshuwa, mme tshebetso e feletseng e balletsweng ke Administration of Estates Act, 1965 , e tlameha ho latelwa.
Dintlha tsa tshebeletso di na le taolo feela ha mofu a sa siya wili e molaong mme le boleng ba leruo lohle la mofu bo le ka ka tlase ho R50 000. Mangolo a matlafatsang a neha matla moemedi ya thontsweng ho laola mokgwatshebetso o feletseng o ballwang ke Administration of Estates Act, 1965.
<fn>GOV-ZA. Requestfortaxdeductiondirectivepension.2010-03-25.st.txt</fn>
Moo batsamaisi ba letlole ba tshwanetseng ba lefe molemo, foromo ya kopo ya taelo e tshwanetse e neelwe . Taelo ya lekgetho e ntshuwa ke South African Revenue Service ho laela motsamaisi wa letlole kapa mothodi mabapi le palo ya tjhelete ya lekgetho la basebetsi e tla lokelang ho tshwarwa ho tswa ho ditefo tsena.
sefane sa molefi wa lekgetho ditlhaku tsa pele tsa mabitso a molefi wa lekgetho letsatsi la tswalo la molefi wa lekgetho.
Kopo ka tsela ya khompyutara ya taelo ya lekgetho ka tlwaelo e dumellwa ka mora hora tse 48.
Tshebeletso ha e lefellwe.
Tlatsa mme o neelane ka kopo ya hao ka tsela ya khomputara. Ka mokgwa o mong, ntsha mme o tlatse foromo, Form A&D.
<fn>GOV-ZA. RequesttoattendaParoleBoardhearing.2010-03-25.st.txt</fn>
Motletlebi kapa letlatsipa la ketso e mpe, jwale ka ha ho hlaloswa ho Karolo ya 299A ya Molao wa Tsamaiso ya Tlolomolao,1997, a ka etsa ho re a emelwe kapa a be teng ho nyewe ya Lekgotla la ho Ntshuwa ha Batshwaruwa ka Mabaka moo motlodi wa molao a lekolwa ho re a ntshuwe ho ya ka mabaka kapa a bewe ka tlasa hlokomelo ya ho lokisa.
Motletlebi kapa letlatsipa o tshwanetse a tsebise Lefapha la Tokiso le Lekgotla la ho Ntshuwa ha Batshwaruwa ka Mabaka tse tshwanelehileng ka ho ngola ha ba lakatsa ho etsa ho re ho be le boemedi ho ba ho ba teng ho nyewe ya Lekgotla la ho Ntshuwa ha Batshwaruwa ka Mabaka ha mosenyi.
Ha kopo e atlehile, Lekgotla le tla tsebisa motletlebi kapa letlatsipa ka ho ngola, ho hlaloswa ho re boemedi bo tla etswa neng le ho re bo tla etsuwa ho mang. Nako le tulo ya kopano ya Lekgotla la ho Ntshuwa ha Batshwaruwa ka Mabaka e tshwanelehileng le yona e tla bolelwa.
Ke boikarabelo ba motletlebi kapa letlatsipa ho tsebisa MoKomishinara kapa CSPB mabapi le ho fetolwa ha aterese.
Lekgotla la ho Ntshuwa ha Batshwaruwa ka Mabaka e tla araba ka ho ngolla ho motletlebi ka hara matsatsi a 14.
Tshebeletso ha e lefellwe.
<fn>GOV-ZA. Reregisterinyournewvotingdistrict.2010-03-25.st.txt</fn>
Bavouti ba ingodisitseng ba tlohileng moo ba neng ba dula teng ba lokela ho ingodisa botjha seterekeng seo sa bona se setjha sa ho vouta. Hona ho tla etsa hore o kgone ho vouta seterekeng sa ho vouta seo o dulang ho sona. O ka ingodisa botjha ofising ya sebaka sa heno ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho kapa ka nako ya ho ingodisetsa ho vouta ya setjhaba jwalo ka ha ho phatlaladitswe ke Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho.
Iteanye le ba Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho nomorong ena ya mahala 0800 11 8000 mme o ba nehe aterese e ntjha ya moo o dulang.
Ba Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho ba tla be ba se ba ho bontsha ofisi e nepahetseng eo o tla ingodisa ho yona.
Hlahisa tokomane ya boitsebiso e nang le metsero ofising ya ho ingodisa.
Tlatsa foromo ya kopo eo o tla e nehwa ofising ya ho ingodisa.
O tla ngodiswa ka potlako.
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo di fumaneha diofising tsa ngodiso.
<fn>GOV-ZA. Reserveanameforclosecsorporation.2010-03-25.st.txt</fn>
Khampani ya ba mmalwa ke seahelo sa kgwebo se bobebe le se ka fetofetohang ho ena le khampani. Se loketse ka mokgwa o ratehang dikgwebo tse nyane. Ditlhoko tsa bolaodi le tsa tsamaiso tsa di-CC ha di tshwarisi bothata jwalo ka tsa dikhampani.
Lebitso le rerilweng la CC le tlameha ho lekolwa pele le ka amohelwa kapa la latolwa. Close Corporation Registration Office e tla paka kamohelo kapa tatolo ka mokgwa wa lengolo la tiiso, ka e-meile kapa poso, ho bontsha hore lebitso le beeleditswe kapa le latotswe.
Lebitso le amohetsweng mme le beeleditsweng le molaong nako ya dikgwedi tse pedi.
Romela foromo ya kopo ofising ya CIPRO.
Dipatlisiso di tla etsuwa ho fumana hore na mabitso ha a na ho se tshwanelehe, ha a bapisehe, ha a na dithibelo kapa ho kgeseha.
Peeletso ya lebitso le rerilweng e ka nka matsatsi a mararo ho ya ho a supileng.
<fn>GOV-ZA. Restorationofcc.2010-03-25.st.txt</fn>
Hang ha khampani ya ba mmalwa e hlakotswe ngodisong, kopo e ka etsuwa hore e kgutlisetswe madulong, ho itshetlehile tabeng ya hore mekgwatshebetso e hlokahalang e latetswe.
Ho tlameha ho kenngwe dipositi ya R150 khoutung ya moreki mme e tla tloswa akhaonteng ya moreki ka mora ho romela foromo.
Ntsha foromo ya kopo ya CK3.
Boikemisetso bo jwalo bo tshwanela ho phatlalatswa koranteng ya lehae ho leka ho hlomamisa thahasello ya setjhaba mabapi le ho kgutlisetswa ha CC madulong.
Ha ho na le dikganyetso dife kapa dife tse hlahisitsweng, Registrar of Companies o tla tshwanela ho tsebiswa ka dikganyetso tse jwalo nakong ya matsatsi a 30 a ho hlakolwa ha ngodiso.
Ho kgutlisetsa madulong khampani ya ba mmalwa ho ka nka matsatsi a 30 ho ya ho a 40.
<fn>GOV-ZA. Returnforpaymentofprovisionaltaxthirdpayment.2010-03-25.st.txt</fn>
Moo motho a fumanang kuno e lefellwang lekgetho e seng ka tlasa taolo ya diphokotso tsa SITE kapa PAYE , o tshwanela ho lefa provisional tax hodima kuno. Ditefo tsa lekgetho la tumellano ya nakwana di etsuwa tlasa tlhophiso ya dikgwedi tse ding le tse ding tse tsheletseng.
Sepheo sa lekgetho la tumellano ya nakwana ke ho thusa balefi ba lekgetho ho emelana le ditlamo tsa bona tsa lekgetho ka tlhophiso e tswellang kgahlanong le tefo e le nngwe e kgolo hodima tekanyetso ya selemo. Lekgetho la tumellano ya nakwana le lefilweng le tla tloswa ho lekgetho la ho qetela la kuno leo motho a tshwanelang ho le lefa bakeng sa tekanyetso e tshwanelehileng ya selemo.
Motho ya bang le tlamo ya ho lefa lekgetho la tumellano ya nakwana o tlameha hore, nakong ya matsatsi a 30 a ho ba le tlamo, a etse kopo e ngotsweng ya ho ngodisa ofising ya lekala la lehae ya South African Revenue Service SARS. Ho hloleha ho etsa jwalo ho tla ba le sephetho sa tswala le dikotlo tse lefiswang mabapi le ho lefa ka mora nako le lekgetho le ekeditsweng la ho romela ka mora nako ditlaleho tsa tshebetso.
Tefo ya boraro ya lekgetho la tumellano ya nakwana e tsejwa hape jwalo ka "keketso" kapa "tlatsetso" ya tefo ya tumellano ya nakwana. Ha tefo e jwalo e etsuwa, e tlameha ho lefshwa e se ka morao ho letsatsi 'le loketseng'. Letsatsi 'le loketseng' ke dikgwedi tse supileng ha mmamorao, maemong a tekanyetso ya selemo se felang mohla la 28 kapa 29 Hlakola dikgwedi tse tsheletseng ha mmamorao, bakeng sa tumello ya mafelo a selemo sa ditjhelete se felang letsatsing le fapaneng le la 28 kapa 29 Hlakola.
Tefo ya boraro ke tefo ya boithaopo e etsuwang ke molefi ofe kapa ofe wa lekgetho la tumellano ya nakwana. Balefi ba lekgetho ba nang le kuno e lefellwang lekgetho e ka hodimo ho R50 000 kapa dikhampani tse nang le kuno e lefellwang lekgetho ya R20 000 kapa ho feta, ba ka etsa tefo ya boraro ya boithaopo ho phema ho lefiswa tswala ho tefo efe kapa efe e ka tlase ya lekgetho la tekanyetso ya selemo.
Sepheo sa tefo ena ke ho etsa hore balefi ba lekgetho ba kgone ho lefa phapang pakeng tsa lekgetho la basebetsi le lekgetho la tumellano ya nakwana le seng le lefilwe bakeng sa selemo, le paloyohle ya tlamo ya lekgetho ya tekanyetso ya selemo.
lekgetho la basebetsi le lefilweng bakeng sa selemo kaofela diphaello dife kapa dife tse dumelletsweng tsa lekgetho la baditjhaba tsa selemo kaofela ditjhelete tse lefilweng bakeng sa nako ya pele le ya bobedi ya lekgetho la tumellano ya nakwana.
Ke qetong ya molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana ka mong ho hlwaya nako ha tefo ya boraro ya tlatsetso e hlokahala.
Fumana tsebiso e ntjha ya tefo ha SARS kapa e laolle setsheng sena, e tlatse mme o e romele le tefo.
Ka ha tsebiso ya tefo e a tshwana mme ha e na dintlha tse tebileng malebana le molefi wa lekgetho ya kgethehileng, ho bohlokwa haholo hore molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana a kenye dintlha tse nepahetseng tsa akhaonte tseibisong ena. Ha dintlha tse nepahetseng di sa kenngwa, tefo e ke ke be ya phaellwa ho molefi wa lekgetho ya nepahetseng.
Nomoro ya referensi ya mmakgonthe ya tefo e tla ba tjena 1234567123P00032005.
Ditefo tsa tokisetso tsa lekgetho di ka phethahatswa le ha e le ho efe kantoro ya sebaka, Mantaha ho fihlela Labohlano, pakeng tsa hora ya 8 hoseng le halofo ka mora hora ya 3 thapama kantle le matsatsi a phatlalatsa a phomolo.
Moo ditefo di etswang teng ka poso, ka banka kapa ATM, nako e lekaneng ho romela kapa ho tsamaisa tefo e tshwanetse e hlokomelwe.
Dintlha tsa Banka ka botlalo.
Leloko le lefang tonobankeng ho sebaka kapa sefe sa ABSA, FNB le NEBANK ho ke ke ha hlokahala hore le fane ka nomoro ya akhauntu le khoutu ha le etsa ditefelo, hona ho tla jwalo ka ho lekana ha maloko a ABSA, FNB, NEDBANK a beyang ditjhelete ka internet.
Lengolo la boitsibiso la ya fumanang, hoba nomoro ya akhauntu e kopanngweng ho mokgwa o kgethehileng wa lekgetho ho etsa ditifelo.
Dinthla tsena di bonahala ho tokomane ya tefelo ya IRP6 e kgutliswang.
Ditifelo tse sa tsamaelaneng le tse pedi tsena dinomoro tse shebuwang le nomoro ya ya fumanang di ke ke tsa amohelwa.
Ha letsatsi la ho qetela le le ka letsatsi la phatlalatsa la ho phomola kapa mafelo a veke ho sa sejetswe, tefo e tshwanetse e etswe ka letsatsi la ho qetela la ho sebetsa pele ho letsatsi la phatlalatsa la ho phomoloa kapa matsatsi a veke ho sa sejetswe.
Tefo ya nako ya boraro e lokela ho hlomamiswa ho kuno eo ka boyona e lefellwang lekgetho, jwalo ka ha sepheo sa tefo ena ke ho etsa hore o kgone ho lefa phapang pakeng sa lekgetho la basebetsi mmoho le lekgetho la tumellano ya nakwana le seng le lefilwe bakeng sa selemo le tlamo yohle ya lekgetho bakeng sa selemo seo sa lekgetho.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Returnofgeneralinformation.2010-03-25.st.txt</fn>
Foromo ya lekgetho ya tlhahisoleseding e akaretsang e dumella boramesebetsi ho neha ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa tlhahisoleseding e mabapi le basebetsi ba bona bao ho sa kang ha hulwa lekgetho la bona jwalo ka ha ho beuwe Molaong wa Lekgetho la Kuno, 1962.
Ha paloyohle ya moputso wa mosebeletsi kapa palo e lekanang le yona ya selemo e le ka tlase ho R2 000 mme e sa fete bonyane bo beuweng ba lekgetho..
Tefello efe kapa efe e lefuweng motho bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona kapa ho tla fanwa ka tsona tseo ho se nang lekgetho le hutsweng ho yona.
Ditefello tse lefuweng bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona ke batho mosebetsing wa bona wa profeshene, mohlala, dingaka, maqwetha, diadvokheiti, diakhaontente le bahlakisi.
Di-royalty kapa ditefello tse lefuweng bakeng sa ho sebedisa tokelo ya boqapi , moralo, letshwao la kgwebo kapa tokelo ya tshebediso kapa ho ho fetisa tsebo e amanang le tshebediso ya tokelo ya boqapi mona Afrika Borwa.
Palohare ya boleng bo lekantsweng ba ho fetiswa ditjhelete tsohle tsa ho fetiswa hoo.
Paloyohle ya pelo kapa tahlehelo mabapi le ho fetiswa hoo.
Dihlahiswa tsohle tsa polasing, patsi, mehlape, di-ore, diminerale kapa mahakwe a bohlokwa a fihletsweng ke wena ka ho a reka, kgwebisano kapa phapanyetsano.
Dihlahiswa tsohle tsa polasing, patsi, mehlape, di-ore, diminerale kapa mahakwe a bohlokwa a rekiswang ke wena jwalo ka agent ya mohlahisi.
Dibonase tse lefuweng ditho tsa khampani e sebedisang mmoho le disosaethi.
Ha ho na nako e beuweng.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Returnofincomeforinvestment.2010-03-25.st.txt</fn>
ho fumanwe kapa ho eketsehile phaello le diabo ho tswa ho Property Trusts ho fumanwe kapa ho eketsehile diabo tsa dinaheng tsa ka ntle ho fumanwe kapa ho eketsehile diabo tsa ka hara naha palo yohle ya dirente e lefuwe bakeng sa bodulo kapa di bokelletswe ke agent bakeng sa motho e mong mabapi le thepa e hlalositsweng ditjhelete tse lefuweng bakeng sa tokelo ya tshebediso ya thepa diroyalethi kapa ditefello di lefuwe bakeng sa tshebediso ya patent , moralo, letswaho la kgwebo kapa tokelo ya tshebediso kapa ho fana ka tsebo e amanang le tshebediso ya patent.
Ela hloko: Poelo ena ke karolo ya IT 3: Poelo ya tlhahisoleseding e akaretsang.
Tlatsa IT 3: Poelo ya tlhahisoleseding e akaretsang le khopi ya ho qala ya IT 3.
Romela poelo ya hao ofising ya sebaka sa heno ya SARS.
Ha ho na nako e beuweng.
Tshebeletso ena ke mahala.
<fn>GOV-ZA. Roadworthinesscertificate.2010-03-25.st.txt</fn>
Dikoloi kaofela tse tsamayang mmileng wa setjhaba di hloka ho hlahlojwa ho fumana tokelo ya tsona ya tsela. Ke boikarabelo ba monga koloi ho bona hore koloi e ya hlahlojwa. Ho hlahlojwa ha dikoloi ho ka etswa ka diteishene tsa tlhahlobo tsa poraevete kapa tsa setjhaba.
setifikeiti sa boingodiso ba koloi bukana ya boitsebiso.
Lefa tjhelete e hlokahalang.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
<fn>GOV-ZA. RrenewalofTVlicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Laesense e ntjhafatsa selemo le selemo.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba.
Ntjhafatsa laesense ya hao Posong e haufi le wena.
Bopaki ba aterese ya moaho le poso, mmoho le nomoro ya thelefounu.
Lefa tefello e tshwanetseng ya ntjhafatso.
Dihora tse mmalwa.
R65 bakeng sa bao ba nang le laesense e nang le theolelo.
<fn>GOV-ZA.SAcitizensarrestedabroad.2010-03-25.st.txt</fn>
Ka tlasa Vienna Convention on Consular Relations - maemo a amohelehileng ka kakaretso bakeng sa dinaha tsohle, batho ba tshwerweng ka ntle ho naha ya habo bona ba lokela ho kgona ho fihlela moemedi wa naha ya habo bona matjhabeng . Baahi ba Afrika Borwa ba leng boemong bona ba lokela hore ka potlako feela ba kope bolaodi ho ba dumella ho iteanya le Moemedi wa Afrika Borwa ya leng naheng eo. Ho seng jwalo, motho e mong a ka iteanya le Moemedi wa Afrika Borwa ya leng naheng eo kapa ba karolo Consular Services Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Pretoria, lebitsong la bona.
Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng ba batla ho etsa bonnete ba hore baahi ba naha ya Afrika Borwa ba tshwerweng mose ba tshwarwa ka tsela e nang le botho ha ba le tjhankaneng. Mona he, dintho tse jwalo ka ho sotlwa ka ho utlwiswa bohloko, ho tshwarwa ka tsela e se nang botho hape e kgellang fatshe kapa ho otlwa ho tla tlalehwa mme ho lebiswe le bolaoding ba sebaka seo. Tokomane ena United Nations Standard Minimum Rules for the Treatment of Prisoners e sebediswa jwalo ka tataiso.
Ke ditshebeletso dife tseo Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng ba fanang ka tsona ho batho ba Afrika Borwa ba kwalletsweng dinaheng tsa mose?
ba hloma mokgwa wa ho iteanya le batshwaruwa ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang ka mora ho tiisetsa hore ke baahi ba naha ya Afrika Borwa. Hona ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba tshwerweng, ba kwalletsweng kapa ba leng tjhankaneng tlasa tshebetso tsa molao tsa dinaheng tsa matjhaba ba utlwisise ditokelo tsa bona le ditshebeletso tseo Mmuso wa Afrika Borwa o fanang ka tsona. Ho iteanya ho tla ba ka seqo, ka ho ngolla, ka mohala, kapa ka metjha e meng e tshwanetseng, mme hona ho tla itshetleha mabakeng a itseng.
ba tla fana ka lesedi le akaretsang le mabapi le mokgwatshebetso wa molao wa naha e tshwereng motho. Lesedi lena le ka kenyelletsa; dintlha tse mabapi le thuso ya molao le qoso, lenane la maqwetha , ho busetswa ha nyewe morao, beile le mekgwa tshebetso ya boipiletso e le hore motshwaruwa a kgone ho utlwisisa ditokelo tsa hae mmoho le tshebetso tse amehang.
ho ba le mokgwa wa ho iteanya le baahi ba Afrika Borwa ba tshwerweng dinaheng tsa mose ha ho ntse ho latelwa melao le melawana ya naha e tshwereng motho.
ba tla etela tjhankaneng. Makgetlo ao ba tla etela tjhankaneng a tla itshetleha hodima leano le leng teng la ha jwale, sebaka, setso le melao ya naha eo motho a kwalletsweng ho yona, ekasitana le boemo bo leng teng ba tshireletso naheng eo le tjhankaneng.
ba iteanya le ba lelapa kapa metswalle - feela ha ba kotjwa ke motshwaruwa ka ho ngola fatshe. Ha hona mokgwa wa ho iteanya o ka etswang, kapa ha fanwa ka lesedi ho motho ofe kapa ofe ntle le tumello e ngotsweng fatshe ke moahi wa naha ya Afrika Borwa ya tshwerweng kapa ya leng tjhankaneng.
ba thusa ka ho fetisetswa ha ditjhelete tse tswang ho ba malapa kapa metswalle ba leng Afrika Borwa di ya ho motshwaruwa - ka ho latela melao le melawana ya Mmuso wa Afrika Borwa le naha eo motho a tshwerweng ho yona. Tumello e leng teng ha jwale e bolela hore ditjhelete tse transferwang ho tswa Afrika Borwa bakeng sa di-toiletry, dijo le dintho tse ding tsa motho ha di a tshwanela ho feta R2 000 ka kgwedi. Palo eo e ke ke ya ekelletswa hodima ya kgwedi e hlahlamang. Iteanye le ba Consular Services section ha o batla thuso.
ba etsa bonnete ba hore ba tsebisa bolaodi ba tjhankane ka mathata a bongaka.
Ba thusa ka ho romelwa le ho iswa ha mangolo, meriana le disebediswa tsa ho bala ho tswa ho ba malapa le metswalle e Afrika Borwa. Hona ho tla ya ka dipehelo tse leng teng tsa ditefello tsa Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le melao le melawana ya naha eo motho a tshwerweng ho yona. Ditefello di ka ntjhafatswa nako le nako.
Ba Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Baemedi ba Afrika Borwa ba etsa ka hohle ho matleng a bona ho netefatsa hore tjhelete, mangolo, disebediswa tsa ho bala le meriana di fetisetswa ho beng ba sona ka potlako. Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse tlang pele lenaneng la Embasi, Khomishene e Phahameng kapa Khonsoleiti. Mabaka a mang a sebaka seo ba leng ho sona ka hara naha le ona a na le seabo se seholo.
ho fuputsa kapa ho kena dipakeng tshebetsong tsa lekgotleng la dinyewe kapa tshebetsong tsa toka ho fumanela motho kapa ho mo neha dikeletso tsa molao ho hlophisetsa ho ntsha motho tjhankaneng kapa ho fumanela beile ho tsamaya ho ya dibakeng tse kotsi kapa ditjhankaneng ho fuputsa botlokotsebe ho fumanela monyetla wa ho tshwarwa hantle tjhankaneng ho feta ka moo ho tshwarwang baahi ba naha eo - ntle le ha ho sa sebediswe bonyane ba maemo a amohelehileng a matjhaba a kopaneng mabapi le ho tshwarwa ha batshwaruwa ho tsebisa ba leloko kapa metswalle hore ba transfere tjhelete ho lefa dikoloto tsa molao, bongaka kapa tse ding hape ho fumana bodulo, mosebetsi, di-visa kapa diphemiti tsa bodulo ho phetha mosebetsi o lokelwang ho etswa ke ejensi ya maeto, ba difofane, dibanka kapa dikhampani tse hirisang dikoloi ho thusa batho ba nang le boahi ba naha tse pedi naheng ya bobedi eo ba leg baahi ba teng ho lefella ho lokiswa, ho tsamaiswa, ho patwa kapa ho tjheswa ha setopo sa motho wa Afrika Borwa ya hlokahetseng.
Ha o tshwerwe o le mose, iteanye le Moemedi wa Afrika Borwa ya leng haufi le wena kapa ba Ditshebeletso tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng ba leng Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Pretoria.
Ba nang le boahi ba naha tse pedi ba tshwerweng naheng e nngwe eo ba leng baahi ba yona ba ke ke ba fumana thuso ho tswa ho Moemedi wa Afrika Borwa. Ha bao ba nang le boahi ba naha tse pedi ba tshwerwe naheng e nngwe, eo ba seng baahi ba yona, mme ka nako eo ba tsamaya ba tshwere phasepoto ya naha ya boahi ba bobedi, ba lokela ho iteanya le ba ditshebeletso tsa boemedi ba naha matjhabeng ba naha eo ba neng ba tsamaya ka phasepoto ya bona.
Ha ho na Ditumellano tsa ho Transferwa ha Batshwaruwa tse leng teng pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding.
Maemo a tshebeletso a behwa ka ho ya ka motho ka mong mme a itshetlehile hodima mabaka a naha eo motho a tshwerweng ho yona.
Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le beha ditjeo moo ho tshwanetseng, mme tsona di ya ka ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona.
Moemedi wa Afrika Borwa o tla neha motho ya kwalletsweng diforomo tse tshwanetseng tsa kopo.
<fn>GOV-ZA. SetupLearnership.2010-03-25.st.txt</fn>
Baabi ba thupelo ba lokela ho etsa qeto ya hore ke mofuta ofe eo ba batlang ho fana ka yona. Ba lokela ho ananelwa ke Mokga wa Bolaodi ba Thuto le Thupelo e leng Sector Education and Training Authority pele ba ka qala ho rupella. Baabi ba thupelo le boramesebetsi ba bopa dipatenara tsa ho qala di-learnership.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya weposaeteng ya Lefapha la Basebetsi.
Baabi ba thupelo ba lokela ba lokela ho etsa qeto ka hore ke di-learnership dife tseo ba ka fanang ka thupelo ya tsona.
Baabi ba thupelo ba lokelwa ho ananelwa ke SETA. Baabi ba thupelo ba sa ananelwang ba ke ke ba kgona ho kenya tshebetsong di-learnership.
Hang ho ba baabi ba thupelo ba kgethe learnership, ba lokela ho fumana boramesebetsi ba tla neha baithuti boiphihlelo bo sebetsehang.
mokgwa wa ho kgetha baithuti; le ka moo ba tla fumana baithuti.
Baithuti e ka nna ba e se e le basebetsi ba hirilweng ba ramosebetsi kapa batho ba sa sebetseng. Iteanye le ba setsi se haufi sa mesebetsi ho fumana ka moo Lefapha la Mesebetsi le ka ho thusang hore o fumane baithuti ba sa sebetseng.
Boramesebetsi, baabi ba thupelo le baithuti ba lokela ho saena tumellano ya learnership.
Baabi ba thupelo ba lokela ho qala ka thupelo letsatsing leo ho dumellanweng ka lona tumellanong ya learnership.
Tshebeletso ena ke mahala.
Etsa kopo Lefapheng la Mesebetsi.
<fn>GOV-ZA. Socialrelief.2010-03-25.st.txt</fn>
Thuso tsa setjhaba bakeng sa tshotleho ke taba ya nakwana ya thuso e etsetswang batho ba hlokang e le ka nnete ba sa kgoneng ho fihlella ditlhoko tsa malapa a bona tsa kamehla le mehla.
Ke bo mang ba ka fumanang dithuso tsa tshotleho?
O ka thola thuso tsa setjhaba bakeng sa bohlomohi tse tswang mmusong haeba o le phareleng.
o hloka thuso ha o sa ntsane o emetse tjhelete ya dithuso tsa sapoto ya bana ho pasiswa ke mmuso ho hlahile pharela kapa koduwa, mohlala, o tjheletswe ke ntlo ha o a lokela ho amohela tjhelete ya dithuso mmuso, mme o mathateng a mabe ha o kgone ho sebetsa ka lebaka la ho kula - hona ho bolela hore o kula nako e ka tlase ho dikgwedi tse tsheletseng ha o kgone ho fumana tjhelete ya sapoto e tswang motswading wa ngwana kapa wa bana ya neng a sebetsa ka lapeng o hlokahetse ya neng a sebetsa ka lapeng o tjhankaneng nako e kgutshwanyane kapa o ile wa angwa ke koduwa, empa tikoloho kapa sebaka seo o dulang ho sona ha se so ka se phatlalatswa jwalo ka tikoloho e hlahetsweng ke koduwa.
Dithuso tsa Setjhaba Mabapi le tshotleho, e ka ba dipasela tsa dijo kapa voutjhara bakeng sa ho reka dijo. Diprofinsi tse ding di fana ka tjhelete bakeng sa dithuso. Dithuso tsa Setjhaba bakeng sa tshotleho ho fanwa ka tsona nakwana feela - hangata nako e ka etsang dikgwedi tse tharo, ka nako e nngwe dikgwedi tse tsheletseng.
Etsa kopo bakeng sa dithuso tsa setjhaba tsa tshotleho ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Merero ya Kahisano.
Tokomane ya hao ya boitsebiso ya metsero ya didijiti tse 13 le mangolo a tlhaho a bana ba hao.
afidaviti e laetsweng ke Mohlanka e Moholo wa Kgotso.
seteitemente sa kano se etswang ke motho ya hlomphehang ya tsebang mokopi le ngwana wa hae. Sena se ka tswa ho khanselara, moetapele wa setho, mosebeletsi wa setjhaba, kapa moruti tiisetso ya hore kopo ya setifikeiti sa tswalo kapa bukana ya boitsebiso e entswe le Lefapha la Merero ya Lehae moo ho hlokehang, bukana ya boitsebiso ya nakwana e ntshitsweng ke Lefapha la Merero ya Lehae setifikeiti sa kolobetso karete ya tleleniki ya tsela e lebisang bophelong bo botle repoto ya sekolo.
O kotjwa ho ela hloko: Ha ho na kopo e ka sejetswang kantle le seteitemente sa kano/afidaviti.
Haeba o se na tokomane ya boitsebiso le mangolo a tlhaho, boikano poloseteisheneng ya heno, pela morena wa hao, molekgotla wa heno e tla ba bopaki bo lekaneng.
o entse kopo bakeng sa dithuso o ile wa hlahelwa ke tsietsi o ile wa leka ho fumana tshehetso ha o na tshehetso e nngwe eo o e fumanang o nyetse/nyetswe, o hladile, kapa o sengele ha o na moputso o o amohelang o fumana thuso ya bongaka ya boqhwala ya nakwana.
Kopo ya hao e tla pasiswa ka potlako.
Hang ha kopo ya hao e se e rometswe, e tla sekasekwa ho bona hore na ke ya mannte le hore na o hloka tshebeletso e le ka nnete.
Leha o se na ditokomane kaofela, o tla amohela phasela ya hao ya kgwedi ya pele ya dijo, voutjhara kapa tjhelete ntle le tsonna.
Se lebale ho isa ditokomane kaofela ho mofisiri pele ho tefo ya kgwedi ya bobedi. Ha o sa etse jwalo, o ke ke wa amohela phasela ya hao ya dijo, voutjhara kapa tjhelete bakeng sa kgwedi ya bobedi le ya boraro.
Haeba dintho di sa fetohe bophelong ba hao ka mora ho amohela thuso nako ya dikgwedi tse tharo, o ka nna wa etsa kopo ya hore o ekeletswe dithuso dikgwedi tse ding hape tse tharo.
Tshebeletso ke ya mahala.
Ikopanye le ofisi e haufi ya lefapha.
<fn>GOV-ZA. Specialclassification.2010-03-25.st.txt</fn>
Tlhophiso e kgethehileng ya dikoloi e fuwa mefuta e itseng ya dikoloi tse phethang lebaka le itseng mme tseo hangata di sa tsamayeng mmileng wa setjhaba.
Treilara kapa terekere e dumelletswe ho se lefe ditjhelete tsa laesense haeba monga koloi ke molemi wa nnete mme koloi e sebedisetswa feela mesebetsi ya temo ya hae. Sena se etsahala le ha koloi e fetotswe kapa e ahilwe botjha ho sebedisetswa feela mabaka a lebelo le/kapa pontsho.
Tlatsa foromo ya kopo ya EFL 1 kantorong ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
bukana ya boitsebiso setifikeiti sa boingodiso ba koloi lengolo la tumello ho tswa ho Biro e laolang Boemo ba disebediswa Afrika Borwa setifikeiti sa ho lokela ho ba mmileng sa koloi eo ho buuwang ka yona.
Tlhophiso kapa ho dumellwa ho se ngodise ho ka nka ho fihla dibeke tse tsheletseng.
<fn>GOV-ZA. Specialregistrationasaprofessionalscientist.2010-03-25.st.txt</fn>
Ngodiso e ikgethang jwaleka rasaense ya tlhaho wa profeshene- Ho ananelwa ha thuto ya pele le boiphihlelo.
Lekgotla la Afrika Borwa bakeng sa Profeshene ya Saense ya Tlhaho le ya dumela hore ho na le batho ba sa kang ba ba le menyetla ya ho fihlela thuto e phahameng e hlokwang ke lefapha bakeng sa ngodiso jwaleka profeshenale. Empa, he batho ba jwalo ho ka etsahala hore ba bile le seabo se seholo saenseng ka dilemo lemo mme ho ka etsahala hore le jwale ba sa ntse ba ameha.
Lekgotla le nkile qeto hore le nehelane ka monyetla ho batho ba jwalo hore ba etse dikopo bakeng sa ngodiso jwaleka borasaense ya tlhaho ba profeshene tlasa dipehelo tse itseng.
Motho mang kappa mang ya se nang mangolo a amohelwang ke Lekgotla a ka etsa kopo.
Baetsadikopo ba lokela ho hlomptjhwa ke bomphato ba bona ka tsebo ya bona lekaleng leo ba ikgethetseng lona hore ebe ba ile ba ba le seabo kahara borasaense hore ba na le boiphihlelo ba dilemo tse 10 ka ho latelana ba tshebetso kahara saense pele ba etsa kopo lekaleng leo.
Hlokomela: Ebang ho etsahala hore o ile wa tswa profesheneng ena dilemong tseo tse leshome, o ke ke wa dumellwa ho ingodisa ho latela boemo ba jwale.
Ho lekolwa ha dikopo ho tla etswa ke Komiti ya Boeletsi ya Profeshene e loketseng, kopo e tla dumellwa ke Komiti ya Ngodiso ya SACNASP le ho dumellwa ka ho phethahala ke Lekgotla le feletseng.
Bonyane dirapoto tse tharo tse feletseng tseo o di hlophisitseng kapa o bileng le seabo ho tsona. Ebang o sa kgone ho fana ka dirapoto ka lebaka la hobane e le lekunutu, seabo sa tsona se lokela hore se tsebjwe.
Ho be le lengolo la boitlamo moo o hlalosang hore seo ke mosebetsi wa hao moo o hlalosang seabo sa hao dirapotong tse romelletsweng.
Mangolo a boitlamo a dipaki tse pedi tse ka pakang bokgoni le boiphihlelo lekaleng la hao la tshebetso.
Ngodiso e ka nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8 ho latela ka moo ho fanweng ka ditokomane tse hlokehang kateng.
Bonyane batho ba ka bang babedi ba kgethilweng ke Komiti ya Boeletsi ya SACNASP ba tla o botsa dipotso.
Sephetho sa tekolo se tla ntshwa kamora kopano ya Lekgotla.
Ho boloka ka elektroniki le ho diposita ka banking: Sebedisa kgutsufatso ya mabitso a hao le sefane ho kgetholla tefo ya hao setatementeng sa hao sa banka mme romela bopaki boo ka fekse mmoho le leqephe le Qalang la foromo ya hao ya kopo ho 841 1057.
<fn>GOV-ZA. Subsistenceandasmallscalefishingexemption.2010-03-25.st.txt</fn>
Ho tshwasetsa ho iphedisa ho sebetsa baahing ba dulang mabopong ba sebedisang mehlodi ya thuso e phelang lewatle baeng sa hoo ba ho jang, le ha ba dumelletswe ho rekisa kapa ho fapanyetsana moo ba dulang. Ha jwale batho ba tshwasang ditlhapi bakeng sa ho iphedisa ba laolwa ka melawana ya ho ba lokolla ditlamong ho fihlela nako eo ho tla ba le leano le kentsweng. Bakeng sa hore o kgone ho fihlela mehlodi ya thuso e phelang lewatle jwalo ka motho ya tshwasang ka sepheo s aho iphedisa o lokela ho etsa kopo ya ho lokollwa ditlamong pele e be o fuwa tumello ya ho tshwasa ditlhapi kapa ho kena tshebetsong ya ho tshwasa tlhapi bakeng sa ho iphedisa le ho tshwasa ka palo e nyenyane.
Bakeng sa ho sebedisa tokelo ya hao ya ho tshwasa, etsa kopo ya tokollo ditlamong eo o tla e fumana ho tswa ho Letona la Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa bolaodi bo kgethuweng tlasa karolo ya 81 ya Molao wa Mehlodi ya Thuso e Phelang Lewatle, . Bakeng sa ho fuwa tokollo ditlamong motho o lokela ho etsa kopo ka dikomiti tse theilweng tsa dibaka tsa Taolo e Kopanetsweng ya Dibaka mme e lokela ho fihlela ditlhoko tsohle tse beuweng. Ka ho ya ka molao ha ho na motho ya tla kena tshebetsong ya ho tshwasa ditlhapi bakeng sa ho iphedisa kapa ho tshwasa ka palo e nyenyane ntle le ho ba le phemiti.
Tokollo ditlamong e ntjhafatswa selemo le selemo mme ho hloleha ho latela dipehelo tsa tokollo ditlamong yona e ka emiswa, ya hlakolwa kapa tokelo ya hanelwa.
Etsa kopo ya tokollo ditlamong ka dikomiti tsa Taolo e kopanetsweng tsa dibaka hang hoba tokollo eo e fele mafelong a selemo se seng le se seng.
Ba sa tswa kena ba lokela ho fihlela ditlhoko tsa boiphediso le ho tshwasa ka palo e nyenyane pele ba ka fuwa tokollo ditlamong.
Mokopi o lokela ho supa hore ke mokga kapa botshwasi bofe boo a leng ho bona.
Boemo ba bao ba nang le tokollo ditlamong ha jwale bo a tiisetswa pele ba fuwa tokollo bakeng sa selemo se latelang, ha ho ka etseha hore ba se ke ba fihlela ditlhoko tse beuweng ba tloswa lenaneng.
Bahlanka ba lefapha ba bitsa kopano ya baahi moo ba tla fana ka tokollo ditlamong ho batshwasi bohle ba ngodisitsweng.
Pele ho fanwa ka tokollo ditlamong moifo wa lefapha o hlalosa dipehelo tsa tokollo le meedi.
Bohle ba nang le tokollo ditlamong ba lebelletswe ho saena lenaneng ho ananela kamohelo ya tokollo ditlamong ya bona.
Tshebetso ya kopo e ka nka kgwedi e le 1 kapa ka hodimo mme ho tla ya ka hore ke dikopo tse kae tse keneng.
Ho lokollwa ditlamong ho fanwa ka hona ntle le tefo.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA.TVlicence.2010-03-25.st.txt</fn>
Ha o reka laesense ya TV kgetlo la pele, o lefa tefello e felletseng ya selemo ya R225. Tefello ya laesense e nang le theolelo ke R65 ka selemo.
Morekisi o lokela ho tsebisa batho ba batlang ho reka dithelevishene empa ba se na dilaesense hore ba ke ke ba kgona ho reka TV pele ba hlahisa bopaki ba hore ba na le laesense ya thelevishene. Batho bao ba batlang ho reka ditelevishene ba lokela ho etsa kopo ya laesense Posong e haufi kapa ba kope morekisi hore a ba rekele dilaesense.
Laesense ena e ntjhafatswa selemo le selemo.
Etsa kopo Posong e haufi kapa morekising ya dumelletsweng ho fana ka dilaesense tsa TV.
Ho ka nka dihora tse mmalwa.
<fn>GOV-ZA. Taxdirectiveretirementannuityrequest.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ena e romelwe ha motho a le dilemong tsa ho phomola, mme a bat la ho fumana ditshwanelo tse fumanwang ka leano la penshene ya selemo.
Kopo ena e ka nna yaba le yona e ka etswa ha eba setho se batla ho lebisa melemo ya hae ka tlasa letlole le le leng la penshene ya selemo ho le leng letlole la pensehene ya selemo.
sefane sa molefi wa lekgetho ditlhaku tsa pele tsa mabitso a molefi wa lekgetho letsatsi la tswalo la molefi wa lekgetho nomoro ya Boitsebiso ya molefi wa lekgetho kapa nomoro e nngwe e sele mofuta wa kopo ya taelo lebaka la kopo ya taelo aterese ya moo o dulang teng le khoutu ya poso ya molefi wa lekgetho aterese ya poso le khoutu ya poso ya institushene kapa ramosebetsi moputso wa selemo wa molefi wa lekgetho.
Ha eba nomoro ya tshupiso ha e yo, fana ka lebaka la ho se ngodisi.
Mokgwa o bobebe wa ho ngolla taelo ya lekgetho ke ho e etsa ka eFiling. Kopo ya hao ya taelo ya lekgetho ka tshebeletso ena e ye e amohelwe dihoreng tse 48.
Kopo ya taelo ya lekgetho ka eFiling e ye e amohelwe dihoreng tse 48.
Tshebeletso ha e lefellwe.
<fn>GOV-ZA. Temporarilycertifyvehicle.2010-03-25.st.txt</fn>
Haeba o na le koloi e so kang e ngodiswa le ho fuwa laesense mme o lakatsa ho kganna koloi e jwalo mmileng wa setjhaba bakeng sa ho ngodisa le ho laesensa koloi, tsamaisa koloi ho mohwebi wa makoloi, ho etsa diteko koloi e jwalo, ho kganna ho ya kappa ho kgutla sebakeng seo e lokiswang ho sona, ho fihlella mohlahlobi wa makoloi kappa ho nka koloi e jwalo, o tlameha ho fumana phemiti ya nakwana ya koloi.
Tlatsa foromo ya kopo ya TSP1, Kopo ya phemiti ya nakwana kantorong ya sephethephethe kapa bolaoding ba boingodiso ba heno bo haufinyana.
Tsamaisa khopi ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.
<fn>GOV-ZA. TermsAndConditions.2010-03-25.st.txt</fn>
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang weposaete ena o lokela ho latela le ho dumela ho latela dipehelo le maemo a tshebediso jwalo ka ho boletswe tsebisong ena ya semolao. Haebe mosebedisi ha a batle ho tlangwa ke dipehelo le maemo ana a tshebediso, mosebedisi ha a tshwanela ho kena weposaeteng, a pepese dintho tse ho yona, a sebedise kapa a bule le/kapa ho etsa khopi kapa ho phatlalatsa dikahare tse fumanwang weposaeteng ena.
Basebedisi ba ka boha, ba etsa dikhopi, ba bula khomputareng tsa bona, ba hatisa, ba phatlalatsa ho leng weposaeteng ena, kapa karolo ya hona, ho sebedisa tsebo kapa ho bolelela moo ba e fumaneng teng feela, mme hona ba ka ho etsa ba sa ho etse ka sepheo sa ho ithuisa.
Basebedisi ba batlang ho sebedisa dikahare tsa weposaete ena ka sepheo sa ho fumana ditjhelete, ba ke ke ba kgona ho etsa hoo ntle le tumello e ngotsweng fatshe e fumanwang ho tswa ho Manejara wa Web nomorong ena ya mohala: +27 12 314 2140 kapa ba romele e-mail atereseng ena electronic@gcis.gov.za . Tlhahiso hape le/kapa ho etsa dikhopi tsa dikahare tsa yona kapa karolo ya tsona, ka sepheo sa ho etsa ditjhelete ho lokela ho tsamaisana e le tsebiso ena ya tumella-tshebediso ka botlalo.
Ditokelo tsohle tsa boitshwaro le ditokelo tse ding tsohle tsa Dikgokahano le Mmuso kapa mekgatlo e meng ya molao mabapi le dikahare tsa weposaete ena ha di a pepeswa, ho bolelang hore di sireleditswe.
Tsohle tse leng moka ka hare, data, le matshwao a kgwebo, ho kenyelletswa le tsena tse latelang, empa ho sa felle moo, software, thekenoloji, di-database, botsebi, sengolwa, ditshwantsho, di-icon, di-hyperlink, tlhahisoleseding ya sephiri, di-design, di-program, phatlalatso, sehlahiswa, tshebetso, kapa mohopolo o hlalositsweng weposaeteng ena e ka wela tlasa ditokelo tse ding, ho kenyelletswa le ditokelo tsa tsebo ya kelello, tseo e leng thepa ya kapa di le tlasa laesense ya GCIS, kapa mokga wa semolao, mme ha ho le jwalo di sireleditswe tlolong efe kapa efe ya molao ke melao ya Afrika Borwa le ditumellano tsa matjhaba. Ka ho ya ka ditokelo tse fuwang mosebediso mona, ditokelo tse ding tsohle tsa tsebo ya kelello tse weposaeteng ena di sireleditswe mme ka ho fihlela data e weposaeteng ena mosebedisi ha a fuwe laesense kapa hona ho tjhaelwa monwana.
Tlhahisoleseding e weposaeteng ena sepheo sa yona ke ho fana ka lesedi le akaretsang mabapi le sehlooho kapa dihlooho tse itseng, mme ha e felle mona ka ho fana ka ho sebetsana le sehlooho seo.
Ke mosebetsi o mahetleng a mosebedisi hore a ikgotsofatse pele a ka kena weposaeteng ena, hore na weposaete e tla fihlela ditlhoko tsa mosebedisi ka mong e be e tsamaelana le hardware le/kapa software ya hae. Tlhahisoleseding, mehopolo le menahano e hlahiswang weposaeteng ena, ha di a tshwanela ho nkuwa jwalo ka dikeletso tsa profeshenale kapa mohopolo wa semmuso wa GCIS, kapa mokga o mong o theilweng semolao mabapi le tlhahisoleseding, mehopolo kapa menahano e hlahiswa weposaeteng ena. Basebedisi ba kgothaletswa ho batla dikeletso tsa profeshenale pele ba nka mehato efe kapa efe e amanang le tlhahisoleseding, mehopolo kapa menahano e hlahiswang weposaeteng ena.
GCIS ha e fane ka boemedi kapa ditiisetso, ka tsela efe kapa efe, ya hore ho tla re hara tse ding , dikahare le thekenoloji tse fumanehang weposaeteng ena ha di na diphoso kapa ho hong ho siiuweng kapa tshebeletso e tla dula esa sitiswe ho hang ka 100% , le hore ha e na diphoso kapa e tla fihlela tsela efe kapa efe ya tshebetso kapa boleng. Weposaete ena ho fanwa ka yona "ka mokgwa oo e leng ka ona". GCIS e itokolla melatong yohle a ka hlahiswang ka tsela e sa tobang kapa ditiisetso, ho kenyelletswa le ho latelang empa ho sa felle moo, ditiisetso tsa papatso , thaetlele, ho tshwaneleha bakeng sa morero o itseng, ho se sitise ditokelo, ho tsamaelana, polokeho le nepahalo, mme ha ba etse boemedi ka ho toba kapa ditiisetso mabapi le dikahare tsa weposaete, le hore weposaete e bokelletswe kapa ho fanwe ka yona hore e fihelel ditlhoko tsa mosebedisi ka mong. Basebedisi ba kgothaletswa hore ba tlalehe diphoso dife kapa dife tse ka bang teng, ho se sebetse hantle kapa methiriele e ke kengya tshwara batho hantle, mme hona ba ho etse ka ho sebedisa mokgwa wa ho hlahisa maikutlo e leng iteanye le rona link.
Mosebedisi wa weposaete ena o etsa hona ka ho ipeha yena kotsing . Mosebedisi o lokela ho ba le boikarabelo bo felletseng mabapi le ho ba kotsing kapa tahlehelo e ka bang sephetho sa ho sebedisa dikahare tsa weposaete ena. GCIS kapa mekgatlo e meng e ngodisitsweng molaong mabapi le tlhahisoleseding e leng weposaeteng ena, kapa basebetsi ba GCIS kapa mokga ofe kapa ofe o mong o jwalo, o ke ke wa behwa molato ka baka la sephetho se ikgethang, se sa tobang, se tsamaisanang le hona, kapa ho senyehelwa ke eng kapa eng e nngwe, ho senyehelwa ke boemo ba konteraka, molao, ketso e seng molaong kapa ho sitisana le , , kapa ka tsela efe kapa efe e amanang le tshebediso ya tokomane ena kapa tlhahisoleseding. Haebe ho na le ho hong ho sa leng teng ho sa sebediseheng ka baka, ho latelang ho tla tswela pele ho sebetsa. Ka ho latela dikarolo tsa 43 le 43 tsa Electronic Communciations and Transactions Act 25 of 2002 (Molao wa Dikgokahano le Tshebediso ya Dielektroniki), ba GCIS ba ke ke ba behwa molato bakeng sa tsheneho, tahlehelo kapa molato wa mofuta ofe kapa ofe ho tswa tshebedisong kapa ho se kgone ho sebedisa weposaete ena kapa ditshebeletso kapa dikahare tseo ho fanwang ka tsona ho tswa weposaeteng mmoho le ka yona hape.
Di-link tse ding tse itseng tsa web server di hokahanya le mehlodi ya thuos eo e leng ya batho ba boraro bao GCIS e se nang taolo ya bona. GCIS ha e etse boemedi kapa ditiisetso ka ho nepahala ha dintlha dife kapa dife tse amanang le mehlodi eo ya thuso.
Dipehelo tsa Karolo ya 2 ya Kgaolo ya III Molao wa Electronic Communications and Transactions wa 25 wa 2002 mona ha di a kenyelletswa hore di ka sebediswa melaetseng efe kapa efe data ya dikgokahano ka elektroniki eo mosebedisi a e romelang ho GCIS e tla nkuwa ka hore e fumanwe ke ba GCIS moo motho a tla amohela molaetsa ka ho ngolla. Ha mosebedisi a sa fumane karabo nakong e utlwahalang, mosebedisi o lokela ho latella taba eo le GCIS. GCIS e ke ke ya behwa molato ka ho hloleha ho araba.
Ba GCIS ba kentse maemo a amohelehileng a thekenoloji le polokeho ya tshebediso bakeng sa ho sireletsa tlhahisoleseding yohle eo ho fanwang ka yona ke basebedisi ho tloha tahlehelong, phetolong kapa tshenyong. Ho tla nkuwa mehato yohle e utlwahalang ho sireletsa tlhahisoleseding ya mosebedisi. Basebeletsi ba dumelletsweng, ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela dintlha dife kapa dife tse hlokolosi ba lokela ho boloka dintlha tseo e le sephiri. Leano lena le sebetsa ho basebeletsi bohle ba GCIS kapa mekga ya mmuso e ka amohelang dintlha tseo ho tswa ho ba GCIS. Ho thibetswe ka molao hore motho ofe kapa ofe, kgwebo, kapa mokga hore o fumane kapa o leke ho fumana mokgwa o sa dumellwang wa ho fihlela leqephe lefe kapa lefe le weposaeteng ena, kapa ho kenya kapa ho leka ho kenya khoutu efe kapa efe e sa dumellwang weposaeteng ena. Ha motho a kenya kapa a leka ho kenya khoutu efe kapa efe e sa dumellwang weposaeteng ena kapa a leka ho kena leqepheng lefe kapa lefe weposaeteng ena a sa dumellwa, motho eo o tla behwa molato wa tlolo ya molao, mme, ha GCIS kapa mokga ofe kapa ofe wa mmuso o ka senyehelwa kapa wa lahlehelwa, ho tla etswa ditleieme tsa tshenyeho eo.
Re amohela diweposaete tsa batho ba bang ba boraro ba re hokelang maqepheng ana.
Ha ho dumellwa bakeng sa motho ofe kapa ofe, kgwebo, mokga kapa weposaete ho nka tlhahisoleseding ka tsela e seng molaong mme ba e etse ya bona, kapa leqephe lefe kapa lefe la weposaete ena ho kenyelletsang le yona homepage, ka tsela efe kapa efe, ntle le tumello e ngotsweng fatshe e tswang ho GCIS.
GCIS e ka fana ka di-link tsa diweposaete tse ding mme hoo ba ho etsa feela ka tsela e ke keng ya baka tshitiso, mme ho kenyelletswa ha link efe kapa efe ha ho bolele hore GCIS e dumellana le diweposaete tseo. Di-weposaete tsa di-link kapa maqephe ha a laolwe ke GCIS. Ba GCIS ha ba na boikarabelo kapa molato, ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang, ka tsela efe kapa efe, ba dikahare, tshebediso kapa ho se kgone ho sebetsa kapa ho fihlelwa ha diweposaete dife kapa dife kapa di-link dife kapa dife tse ka hara diweposaete tse hokahantsweng.
Setatemente sa sephiri se sebetsa ho GCIS mmoho le ho mokga ofe kapa ofe wa semolao, e laolang, e tiisetsang kapa e sebedisang tlhahisoleseding e ka bokellwang ka weposaete ena.
Mosebedisi a ka kena weposaeteng ntle ho fana ka tlhahisoleseding efe kapa efe ya hae ka seqo. Le ha ho le jwalo, mosebedisi o dumella tshebediso ya dintlha tse jwalo ka ho ya ka setatemente sena sa sephiri. O kotjwa hore o ele hloko hore weposaete ena e ka nna ya kenyelletsa di-link tsa diweposate tse dingtse sa laolweng ke setatemente sena sa sephiri.
Ha mosebedisi a na le dipotso dife kapa dife, kapa a tshwenyehile mabapi le setatemente sena sa sephiri, kapa sephiri sa mosebedisi ha a sebedisa Weposaete ena, ho ka sebediswa iteanye le rona link.
GCIS e ka sebedisa di-cookies kapa di-web beacons ho etsa bonnete ba hore weposaete e laolwa hantle haholo mmoho le ho nolofatsa ntlafatso ya weposaete. Ba GCIS kapa moabi wa ditshebeletso a ka sebedisa di-cookies ho bokella tlhahisoleseding ya palo e itseng . GCIS e ka sebedisa dintho tse jwalo ka tsena nako le nako ho sala morao mohlala wa tlhahisoleseding ho di-system tsa yona e be e hlwaya dihlopha tsa basebedisi ka dintho tse jwalo ka diaterese tsa di-IP, domain, mofuta wa browser mmoho le maqephe ao ho kenwang ho ona. Tlhahisoleseding ena e romelwa ho web administrator ya sebedisang lesedi lena bakeng sa hlopholla palo ya basebedisi dikarolong tse fapaneng tsa weposaete, mmoho le ho etsa bonnete ba hore weposaete ena e molemo, hape ke mohlodi o sebetsang hantle haholo wa tlhahisoleseding.
Di-cookies mmoho le di-web beacons ha di bokelle tlhahisoleseding ya basebedisi ka seqo, jwalo ka lebitso la mosebedisi kapa aterese ya e-mail. Mosebedisi a ka hana ho sebedisa di-cookies jwalo ka ha di-browser tse ngata di dumella batho ho hana ho sebedisa di-cookie. Tlasa maemo a mang a itseng basebedisi ba ka hanelwa ho fihlela dikarolo tse ding tsa weposaete ena ha di-browser tsa bona di radilwe hore di hanele di-cookies.
Tlhahisoleseding ya motho ka seqo sa hae e sebedisetswa merero e itseng feela, mohlala, ha mosebedisi a ingodisa weposaeteng ho kopa dikgokahano tsa nakong e tlang tse mabapi le dikgahleho tsa GCIS. GCIS e ka sebedisa tlhahisoleseding e kentsweng ke mosebedisi bakeng sa ho etsa profile ya mosebedisi hore ba tle ba shebane le ditlhoko tsa hae ka seqo karabong tsa bona, dikopong tse ding tsa mosebedisi, kapa dipotso, mmoho le ho ntshetsa pele weposaete. Ha mosebedisi a kgetha ho ho ingodisa online, bakeng sa ketsahalo e itseng o okametsweng ke GCIS, GCIS e tla sebedisa tlhahisoleseding e kentsweng ke mosebedisi ho araba mosebedisi. Hodima moo, web administrator a ka re, moo ho hlokehang, a sebedisa tlhahisoleseding ya mosebedisi mesebetsing e itseng e amanang le weposaete. GCIS e tla etsa bonnete ba hore mesebetsi ya papatso e tsamaelana le melao e tshwanetseng le hore e kengwa tshebetsong ka mekgwatshebetso ya ho fihlela tumello e hlokehang pele ba romela e-mail ya mosebedisi e nang le tlhahisoleseding ka ditshebeletso tsa GCIS. Mosebedisi a ka re neng kapa neng a kopa hore GCIS e tlohele ho romela methiriele e jwalo ho mosebedisi ka ho sebedisa iteanye le rona link kapa unsubscribe link.
Le ha GCIS e ka fana ka tlhahisoleseding ya mosebedisi ho baabi ba ditshebeletso ba tshwarang tlhahisoleseding lebitsong la bona, hangata ba ke ke ba abelana ka tlhahisoleseding eo le batho ba boraro kapa mekgeng e meng ya mmuso hore e sebedisetswe merero e meng e se nang kamano le yona ntle le haebe hoo ho boletswe ka nako eo e neng e bokellwa.
Tlhahisoleseding ya motho ka seqo e ka fetisetswa dinaheng tsa matjhaba ka GCIS kapa ho batho ba boraro tlasa merero e hlwauweng mona ka hodimo. Hona ho ke ke ha kenyelletsa ho fetisetswa dinaheng tse se nang melawana ya tshireletso ya dintlha e tshwanang le e sebediswang naheng ya bodulo ya mosebedisi. Ka ho fana ka tlhahisoleseding ho GCIS ka weposaete ena, mosebedisi o dumellana le phetiso e jwalo.
Moo ho tshwanetseng, tlhahisoleseding ya motho ka seqo e senolwa moo ho qobellwang molao, ditheong tsa taolo le tsa mmuso, kapa ho batho ba boraro moo ho hlokehang kapa ho tshwanetseng bakeng sa ho latela ditlamo tsa molao le tsa taolo kapa dikopo kapa tlasa merero e hlwauweng mona ka hodimo.
Haebe ho na le tlhahisoleseding ya motho ka seqo e rometsweng weposaeteng ena, basebedisi ba batlang ho lekola tlhahisoleseding ya bona ba ka etsa jwalo ka ho etsa kopo ya tekolo ka iteanye le rona link. Basebedisi ba tla be se ba kgona ho fumana di-profile tsa bona tsa tshebediso, ho lokisa le ho ntjhafatsa dintlha tsa bona, kapa ho ntsha mabitso a bona lenaneng neng kapa neng. Basebedisi ba nang le bothata bofe kapa bofe ba ho fihlela di-profile tsa bona, kaba ba batlang ho etsa kopo ya khopi ya tlhahisoleseding ya bona ya seqo ba lokela ho iteanya le web administrator ka ho sebedisa iteanye le rona link. Maemong ohle, ba GCIS ba tla shebana le dikopo tsa ho fihlela tlhahisoleseding kapa ho tjhentjha tlhahisoleseding ka ho ya ka ditlhoko tsa molao tse sebetsang.
Ha ho na letho le fumanehang mona ka hare, ho bopang kapa hoo maikemisetso ahona e leng ho bopa konteraka kapa tumellano pakeng tsa GCIS le mosebedisi ya kenang weposaeteng ena.
GCIS e ela hloko bohlokwa ba ho sireletswa ha ho ba sephiring ha bana dikgokahanong ka online lefatsheng lohle ka kakaretso.
Dipehelo le maemo ana a tshebediso di bopa kamano ya profeshenale kapa e nngwe e itseng pakeng tsa GCIS le mosebedisi wa weposaete ena. Ho hloleha hofe kapa hofe ke GCIS ho sebedisa kapa ho qobella tokelo efe kapa efe kapa dipeelo kapa maemo ana a tshebediso hoo ho ke ke ha bopa ka tsela efe kapa efe mokgwa wa ho qhella thoko tokelo kapa tlhophiso eo. Ha pehelo kapa boemo bofe kapa bofev ba tshebediso ya weposaete ena bo sa kengwe tshebetsong ka botlalo kapa bo ka etswa hore bo se ke ba sebetsa tlasa lebaka lefe kapa lefe, pehelo kapa boemo bo jwalo bo tla kgaolwa dipehelong le maemong a mang. Dipehelo le maemo a mang a setseng a ke ke a angwa ke qobello kapa ho se sebetse hoo mme ona a tla dula a ntse a sebetsa.
GCIS e na le tokelo ya ho fetola, ho ntlafatsa, ho eketsa le ho tlosa dikarolo kapa dipehelo le maemo ana a tshebediso ka botlalo nako le nako. Diphetoho tse ka etsuwang dipehelong le maemong a tshebediso di ka kena tshebetsong ha diphetoho di se di kentswe weposaeteng ena. Ke boikarabelo ba mosebedisi hore nako le nako a lekole dipehelo le maemo ana a tshebediso weposaeteng ena bakeng sa ho bona diphetoho kapa ntjhafatso. Ho tswela pele ha mosebedisi ho sebedisa weposaete ena ka mora ho kengwa diphetoho kapa tekolo botjha ho tla nkuwa ka hore mosebediso eo o fumane nothisi athe hape o amohela ho latela kapa ho tlangwa ke dipehelo le maemo ana a tshebediso, ho kenyelletswa le diphetoho le dintjhafatso tseo.
<fn>GOV-ZA. Testingofofficialseedsamples.2010-03-25.st.txt</fn>
Lefapha la Temo le lekola disampole tsa semmuso tsa peo ho etsa bonnete ba hore ho ba le sebopeho se hlakileng, peo ya mela mme e ya hola e tswele pele.
Ke feela mefuta ya peo e phatlaladitsweng ka ho ya ka Molao wa Ntlafatso ya Dimela e leng Plant Improvement Act, 1976, di etswang disampole tsa semmuso mme di lekolwa ho bona boleng ba tsona. Disampole tsa semmuso di lekolwa ka maiteko a ho etsa bonnete ba hore ke feela ngatana ya peo e latelang dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dimela, wa 1996, mme tse kentsweng dileibole ka nepo hape ka mokgwa wa nnete, ho fanwang ka tsona hore di rekiswe.
Bahlakisi ba diofising tsa mabatowa tsa Lefapha la Temo ba nka disampole ka tsela e sa hlophiswang ho tswa taolong ya kgwebo le peo e tswang dinaheng tsa ka ntle ho tswa bathong, ke hore, mekgatlong, di-institjhuteng, dikhampaning, dikoporasing le baleming, ba rekisang peo.
Ngatana yohle e leng teng ya peo, eo e leng ya kgwebo hape le e tiiseditsweng, e elwa hloko.
kgetho e sa hlophiswang ya ngatana ya peo ngatana e belaelwang ya peo mefuta e nang le mathata ya dimela.
Disampole di lekolwa ho bona hore na di latela dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dimela bakeng sa bohlweki le ho mela kapa ho hola di tswele pele.
Bahlakisi ba tsebiswa ka diphetho.
Ha diphetho di supa hore peo ha e latele Molao, e ka ntshiwa thekisong kapa ya kengwa leibole e nngwe.
Jwalo ka ha tshebeletso ya tekolo ya peo ho fanwa ka yona ka ho ya ka melao ya naha, ha ho na tjhelete ya tshebeletso e lefiswang. Le ha ho le jwalo, ha motho eo ho nkuweng sampole ho yena a kopa sephetho sa tekolo ka mokgwa wa Tlaleho ya Hlophollo ya Peo, tefiso e ananetsweng ke lekala la ditjhelete la mmuso e lokelwa ho leshwa bakeng sa tekolo ya peo. Ho tla fanwa ka tshupamolato.
Hopola ho kenyelletsa nomoro ya tshupamolato hore e tle e bapiswe le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Seteishene sa Diteko tsa Peo ya Semmuso di sebedisa mokgwa o tsejwang ka priority system bakeng sa ho lekola. Jwalo ka ha mefuta e fapaneng ya dimela e na le maemo a fapaneng a tekolo, nako ya tekolo e ka fapana ho tloha matsatsing a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa. O ka etsa dipatlisiso sebakeng seo ka bosona.
Tshebeletso ena ke mahala.
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
<fn>GOV-ZA. Testingseedforcomplaintsanddisputes.2010-03-25.st.txt</fn>
Seteishene se Molaong sa ho Lekola Peo se fuputsa ditsekisano le ditletlebo malebana le dipehelo tse amanang le peo ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dijalo, 1976.
O ka tlaleha tse ding ditletlebo tsa tekolo ya peo kapa ditsekisano tse amanang le boleng ba peo, empa pele o tshwanela ho hokahana le OSTS ho hlomamisa hore na bokgoni bo hlokwang mofuteng wa tekolo le/kapa peo bo a fumaneha na. Tshebeletso ena ho nehelanwa ka yona ho motho ofe kapa ofe, mokgatlo, setsi, khampani kapa molemi.
Ha o batla ho kenya tletlebo kapa tsekisano mabapi le boleng ba peo, romela lengolo mmoho le disampole tsa peo mme o bolele ka mokgwa o hlakileng tlhahisoleseding yohle mabapi le tletlebo kapa tsekisano. Kenyeletsa le dintlha tsa ditekolo tse entsweng ke ditlhophisetso tse ding tsa ho lekola peo.
O ka ntsha sampole ka bowena, empa sampole e ntshitsweng semolao ke mohlophisi wa dibuka ofising ya sedika ya Directorate SAAFQIS ke yona e lakatswang.
Romela disampole hore di yo lekolwa.
Ha tletlebo e tshwanelehile, ke hore, boleng ha bo tsamaelane le dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dijalo, 1976, ha ho tefiso. Ha tletlebo e sa tshwanelehe, tefiso e dumelletsweng ke Kabo ya Ditjhelete tsa Mmuso e tshwanela ho lefshwa mme ho tla ntshuwa invoisi.
Tefo e ka etsuwa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ke ntlha ya bohlokwa hore nomoro ya invoisi e kenngwe hore tefo le invoisi e ntshitsweng di nyalane.
Ha tefo ya invoisi e ntshitswe ke ka nako eo feela moo diphetho tsa phuputso e sa amoheleheng di tlang ho fumaneha.
OSTS e beha pele tekolo ya disampole tsa peo bakeng sa tsekisano kapa tletlebo. Boholo ba tsekisano kapa tletlebo, ke hore, palo ya disampole, mefuta ya dijalo le mofuta wa ditlhahlobo tse tla etsuwa, di tla tshwaetsa nako e tla nkuwa bakeng sa phuputso e tla etsuwa. Ha ho tlhahisoleseding ya maemo a tshebetso e ka ntshuwang ka mokgwa oo. Botsa setsing sa tshebetso ka bosona.
Tshebeletso ke ya mahala ha tletlebo e amohelehile.
<fn>GOV-ZA. Trafficregisternumber.2010-03-25.st.txt</fn>
Nomoro ya ho ingodisetsa sephethephethe e fuwa baditjhaba ba se nang Bukana ya Boitsebiso ya Afrika Borwa mme e sebetsa jwalo ka nomoro ya boitsebiso e amohelehang e sebedisetswang mabaka a sephethephethe sa mebileng. Nomoro ya ho ingodisetsa sephethephethe e hlokahala ha moditjhaba a batla ho ngodisa koloi Afrika Borwa.
Etela kantoro ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
khopi e netefaditsweng ya phasepoto kapa phemiti ya bodulo ya nakwana bukana ya boitsebiso e ntshitsweng ke bolaodi bo amohelehileng.
Ho ka nka dibeke tse tsheletseng ho sebetsana le kopo.
<fn>GOV-ZA. Traininginseedanalysismethodsandtechniques.2010-03-25.st.txt</fn>
Official Seed Testing Station se fana ka thupelo e ikgethang ya mekgwa le tshebetso tsa hlophollo ya peo bathong ba nang le kgahleho, ba jwalo ka bahlopholli ba ntseng ba le teng ekasitana le bao ba lakatsang ho ba bahlopholli ba peo, ekasitana le batho ba bang ba hlokang tsebo mabapi le ho hlahlojwa ha peo. Batho ba tswang Mekgatlong e seng ka tlasa Mmuso, the South African Development Community le Afrika ka bophara le bona ba ka kena dithutong tsena.
Thuto ya selemo le selemo ya practical demonstration ya mekgwa ya hlophollo ya peo ka tlwaelo e ba ka Mmesa.
Wekeshopo ya selemo le selemo ya ho kgothaletsa ho kopangwa ha dihlahlobo tsa peo e tshwarwa ka Pudungwana selemo le selemo. Sehlooho le palo ya matsatsi a wekeshopo e fapana selemo le selemo mme hona ho tla ya ka mathata a ha jwale a bonwang ka hlahlobo ya peo le merero e meng ya ho kopangwa e lokelwang ho rarollwa.
Wekeshopo ya Tetrazolium ya e tshwarwa selemong se seng le se seng sa boraro. Wekeshopo ya ho qetela ya TZ e ile ya tshwarwa ka 2004.
Mathwasong a selemo se seng le se seng, tsebiso ya thupelo, ho kenyelletswa le sehlooho sa wekeshopo, di romelwa bohle bao ba nang le kgahleho ba leng lenaneng la kabo la Lefapha.
Banka-karolo ba amohelwa ka ho ya ka palo e lekanang sebaka se sebediswang. Ke feela banka-karolo ba 20 ba amohelwang bakeng sa practical demonstration course iya mekgwa le tshebetso tsa hlophollo ya peo. Palo ya banka-karolo bakeng sa wekeshopo e itshetleha hodima sehlooho. Ke banka-karolo ba 20 feela ba tla amohelwa wekeshopong ya TZ.
Bao ba tla kenela thuto ba bolellwa ka fekse, ha morao, hore ba fuwe monyetla wa ho nka karolo.
Bana ba tla ba baithuti ba lokela bolela hore ba tla ba teng dithutong.
OSTS e leka ho kenyelletsa bohle bao ba etsang kopo ya thuto kapa wekeshopo ena. Le ha ho le jwalo, ka baka la sebaka se senyenyane moo thupelo e tshwarelwang teng, le moo ho ka sebeletswang teng, ke palo e nyenyane ya batho e nkuwang. Ba fuwang sebaka pele ke bahlopholli ba peo ba ingodisitseng dilaboratoring tsa hlahlobo ya peo, ekasitana le bao ba batlang ho ba bahlopholli ba peo.
Bakeng sa thuto e bontshang ka moo mosebetsi o etsuwang ka teng ekasitana le mekgwa le tshebetso ya hlophollo ya peo le diwekeshopo, ho fanwa ka lengolo la ho kenela dithuto tseo. Lengolo leo le na le dintlha ka bokgutshwanyane tsa dikahare tsa thuto kapa wekeshopo.
Tshebeletso ena ke mahala. Tefello e nyenyane ya teye, lantjhe le dibukana e ya etswa, mme yona e ka fapana ka ho ya ka boholo ba wekeshopo, ke hore, palo ya matsatsi, dibukana tse ajwang, jj.
Ngodiso ya pele e etswa ka ho sebedisa foromo ya e romelwang mathwasong a selemo se seng le se seng.
Bohle ba batlang ho ba bahlopholli ba lokela ho ingodisa ho ba morupellwa wa hlophollo ya peo. Foromo ena hape e kenyelleditswe phaketjheng e ajwang selemo le selemo.
<fn>GOV-ZA. Unreservedpostalservice.2010-03-25.st.txt</fn>
Kopo ya ngodiso le Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Diposo bakeng sa ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa rifuwang e lokela ho ka mokgwa le sebopeho se beuweng ke Letona ka kgothaletso ya Bolaodi. Ho lefiswa tefello ya kopo e sa kgutlisweng ya R500 ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng kapa ka transfere ya elektroniki.
Ngodiso e sebetsa bakeng sa nako ya selemo se le seng ho tloha mohla ho ntshitsweng setifikeiti sa ngodiso.
Ho fana ka tshebeletso ya pokello mmileng le mabokosong a diaterese.
Hona ha ho kenyelletse dikgwebo tse tsamaisang dihlahiswa tsa tsona, tse jwalo ka tsa dipalesa, selakga kapa lebenkele la korosari.
Batho kapa dikgwebo di na le bolokolohi ba ho kopa laesense ya ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa risefuwang.
Kopo ya ngodiso Bolaoding ba Ditshebeletso tsa Diposo bakeng sa ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa risefuwang e lokela ho ba ka mokgwa le sebopeho se beuweng ke Letona ka kgothaletso ya Bolaodi.
Ho lefiswa tefello ya kopo e sa kgutlisweng ya R500 ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng kapa ka transfere ya elektroniki.
Ngodiso e sebetsa bakeng sa nako ya selemo se le seng ho tloha mohla ho ntshitsweng setifikeiti sa ngodiso.
Tlatsa diforomo tsa kopo tse tharo.
Romela foromo ya kopo Lefapheng la Dikgokahano mmoho le bopaki ba tefello.
Romela ka fekse bopaki ba tefello nomorong ena: 12 427 8536.
Ho hloleha holatela efe kapa efe ya ditlhoko tsena ho ka etsa hore kopo e se ananelwe.
Laesense e ka loka ka mora matsatsi a 30.
<fn>GOV-ZA. Vatvendorsearch.2010-03-25.st.txt</fn>
Tshebetso ya VAT vendor search ke tshebetso ya ho batla moleng wa wepsaete o ka sebediswang ke kgwebo, ditho tsa setjhaba, bahahlaudi le mafapha a mmuso.
Tshebetso ena e ka sebedisetswa ho tiisetsa hore batho ba fanang ka thepa kapa ditshebeletso ba ngodiswa bakeng sa lekgetho la value-added tax le ho kgothaletsa tlaleho ya bao ba ka balehang ho lefa lekgetho.
Dikgwebo tse nang le dipoelo tsa selemo tse ka tlase ho R300 000 ha di a tshwanela ho ngodisa bakeng sa VAT. Dikgwebo tsohle tse lefisang VAT di lokela ho ngodisa mme di lefe VAT ho ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa.
Lebitso le lokela ho ba lona hantlentle la kgwebo e ngodisitsweng ya morekisi.
Tshebeletso e fumaneha ka potlako weposaeteng ya SARS.
Tshebeletso ke mahala.
Batla ka ho sebedisa tsela ya khomputara.
<fn>GOV-ZA. Victimempowermentprogramme.2010-03-25.st.txt</fn>
Lenaneo la Victim Empowerment Programme le lokisetsa ho hlomamisa le ho momahanya mananeo pakeng tsa mafapha kapa pakeng tsa dikarolo le maano bakeng sa tshehetso, tshireletso le matlafatso ya mahlatsipa a tlolo ya molao le morusu.
VEP e na le tjhadimo e kgethehileng ho basadi le bana. Mahlatsipa a morusu wa lapeng a maemong a kotsi a ka dula sebakeng se tshireletsong nako e pakeng tsa dibeke tse pedi ho ya ho dikgwedi tse tsheletseng ho itshetlehile ho maemo.
Lenaneo le a fumaneha bakeng sa mahlatsipa a tlolo ya molao le morusu.
Hokahana le setsi sefe kapa sefe sa tshehetso ya mahlatsipa, sebaka se tshireletsong sa basadi le bana ba bona ba hlekefeditsweng, monehelani wa tshebeletso ya mmuso kapa mokgatlo o seng tlasa mmuso o amehang tlhokomelong ya mahlatsipa a morusu wa lapeng.
Moeletsi, monehelani wa tshebeletso ya bophelo, setho sa South African Police Service kapa lepolesa, mosebetsi wa tsa bodulo, titjhere kapa motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello e tshwarehang ho bodulo bo botle ba motletlebi a ka etsa kopo ya taelo ya tshireletso.
Etsa bonnete ba hore ha motho e mong ntle le ho motletlebi a tlisa kopo ya taelo ya tshireletso, kopo e tlameha ho felehetswa ke tumello e ngotsweng ya motletlebi.
Ha ho foromo e balletsweng bakeng sa tumello ena e ngotsweng - lengolo la motletlebi le nehang tumello a ngotsweng le lekane.
idibane; kapa ha lekgotla la molao le kgotsofetse hore motho ya amehang ha a kgone ho nehelana ka tumello e hlokwang.
Nako e hlokwang ya ho hlophisa taelo ya tshireletso e a fetafetana ho tloha lekgotleng le leng la molao ho ya ho leng ho itshitlehile ho letsatsi la ho kgutla le behilweng ke tlereke ya lekgotla.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Warveteransgrant.2010-03-25.st.txt</fn>
Batho ba sa kgoneng ho itlhokomela mme ba hloka thuso ya motho e mong ka nako tsohle ba ka etsa kopo ya kerante ya tlatsetso leha ba ena le kerante ya bona ya thekolohelo.
Tjhelete ya kerante ya mohale wa ntwa ho tloha ka Mmmesa 2008 ke R960 ka kgwedi.
o dumellana le teko ya bokgoni.
Teko ya bokgoni e reretswe ho lekanya bokgoni ba moikopedi. Bakeng sa ho amohela kerante, maemo a hao a ditjhelete a lokela a be a le ka tlase ho tjhelete e itseng. Ka 2008, teko ya bokgoni bakeng sa kerante ya mohale wa ntwa ya sa nyalang e hlalosa hore o ke ke wa fumana kerante ebang thepa yohle ya hao e feta diranta tse R451 200. Ntlo ya hao ha e balellwe ebang o dula ho yona. Tjhelete ya hao e lokela hoba ka tlase ho diranta tse R26 928 ka selemo ebang o sa nyala.
Ebang o nyetse, o ke ke wa fuwa kerante ebang thepa ya hao le molekane wa hae e feta diranta tse R902 400. Ntlo ya mang kapa mang wa lona ha e balellwe ebang le dula ho yona. Tjhelete yohle ya hao le molekane wa hao e lokela hoba ka tlase ho R53 856.
o se ke wa ba motho ya hlokomelwang mokgatlong wa mmuso o se ke wa amohela kerante e nngwe ya thekolohelo ya mmuso.
kheshe e leshwang sebakeng sa tefo ka letsatsi le itseng akhaonteng ya hao ya banka banka ya Poso mokgatlo wa tlhokomelo.
Tlatsa foromo ya kopo ofising e haufi le wena ya thekolohelo.
Ebang o tsofetse haholo kapa o kula hoo o sa kgoneng ho ikisa ofising ho ya etsa kopo ya kerante, kopa mang kapa mang feela hore ba ofisi ba o etele lapeng. Motho eo o lokela ho tla le lengolo le tswang ho wena le lengolo la ngaka le hlalosang mabaka a etsang hore o se ke wa kgona ho ikisa ofising.
Tlatsa foromo ya hao ya kopo ka pela mohlanka ya tswang Lefapheng.
tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa e nang le bar-khoutu , ebang o na le mosadi, le tokomane ya hae ya boitsebiso bopaki ba hore o ile wa ba ntweng, e leng setefikeiti sa ntwa kapa dikgau tsa ntwa ebang o le ka tlase ho dilemo tse 60, lengolo la ngaka le bontshang hore ha o kgone ho sebetsa.
afidaviti e laetsweng ke Mohlanka e Moholo wa Kgotso.
seteitemente sa kano se etswang ke motho ya hlomphehang ya tsebang mokopi le ngwana wa hae. Sena se ka tswa ho khanselara, moetapele wa setho, mosebeletsi wa setjhaba, kapa moruti tiisetso ya hore kopo ya setifikeiti sa tswalo kapa bukana ya boitsebiso e entswe le Lefapha la Merero ya Lehae moo ho hlokehang, bukana ya boitsebiso ya nakwana e ntshitsweng ke Lefapha la Merero ya Lehae setifikeiti sa kolobetso karete ya tleleniki ya tsela e lebisang bophelong bo botle repoto ya sekolo.
O kotjwa ho ela hloko: Ha ho na kopo e ka sejetswang kantle le seteitemente sa kano/afidaviti.
ebang o sa nyala, bopkai bo supang hore ha oa ya nyala ebang o nyetse, lengolo la lenyalo ebang o hladile, lengolo la hao la tlhalo ebang molekane wa hao a hlokahetse, setefikeiti sa hae sa lefu.
ebang o hirilwe, setefikeiti sa hao sa moputso ebang osa sebetse, bukana e bolou ya matlole a ha o sa sebetse kapa lengolo la ho ntshwa mosebetsing ebang ona le penshene ya porafete, bopaki ba penshene ya poraefete ebang o na le akhaonte ya banka, setatemente sa dikgwedi tse tharo tse latelanang ebang ona le matsete, lesedi ka palo ya ona le tefo eo o e fumanang.
Fumana rasiti mme o e boleke e le bopaki ba hore o entse kopo.
O tla tsebiswa ka lengolo hore na kopo ya hao e atlehile kapa tjhe.
Ebang kopo ya hao ya kerante e sa atleha mohlanka wa thekolohelo o tla o tsebisa ka lengolo mabaka a entseng hore kopo ya hao e se atlehe.
Ebang o sa kgotsofala ke mabaka, o ka etsa boipiletso ka lengolo ho Letona la ditaba tsa Ntshetsopele ya Kahisano kapa setho sa komiti ya Phethahatso ofising e kgolo ya Lefapha la naha kapa ya profensi, moo o hlalosang hobaneng o sa dumellane le qeto.
Etsa boipiletso ba hao pele ho feta matsatsi a 90 kamora hoba o amohele sephetho sa kopo ya hao.
Ho ka nka matsatsi a 21 ho sebetsa kopo ya hao.
Ebang kerante ya hao e dumeletswe, o tla lefshwa ho tloha letsatsi leo o neng o etsa kopo ka lona.
Tshebeletso ke ya mahala.
<fn>GOV-ZA. Water.2010-03-25.st.txt</fn>
Ditshebeletso tsa mahala tsa motheo tsa masepala ke ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona ntle le tefiso ke Mmuso o di neha malapa a futsanehileng. Ditshebeletso di kenyelletsa metsi, motlakase, tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho tloswa ha matlakala. Ditshebeletso tsena ho fanwa ka tsona ke bomasepala mme di kenyelletsa palo e nyenyane ya motlakase, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere e leng tse lekaneng bakeng sa ho shebana le ditlhoko tsa motheo tsa malapa a futsanehileng. Le ha ho le jwalo, maano a laolang phano ya ditshebeletso tsa motheo tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho tloswa ha matlakala a ntse lokelwa ho phethwa ke mekga e tshwanetseng ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
Metsi a mahala a motheo a etsa palo ya motheo ya 6 kl ya metsi ka kgwedi bakeng sa lelapa. Palo ena e ka fapana ka ho ya ka bomasepala mme o lokela ho iteanya le masepala wa hao ka ho toba ho ya batlisisa hore hantlentle ke tshebeletso efe ya metsi a mahala a motheo eo ba fanang ka yona. O tshwanetse ho lefa bakeng sa metsi a mang ao o a sebedisang ka hodima ana a mahala.
Palo ya motlakase wa motheo wa mahala ke 50kWh lelapa ka leng ka kgwedi bakeng sa grid-energy system . Palo ena ya motlakase e tla lekana bakeng sa ho fana ka motlakase wa ho kgantsa wa motheo, wa ho futhumatsa metsi o sebedisa ketlele, wa ho aena dintho tse mmalwa le ho sebedisa thelevishene e nyenyane ya mmala o motsho le bosweu le radio.
Basebedisi ba nang le dimetara tsa motlakase tsa pre-paid ba tla kgona ho bona ha motlkase oo wa mahala o se o fedile mme ba tla tshwanela ho reka motlakase o mong hape ka ditjeo tsa bona. Basebedisi ba dimetara tse tlwaelehileng kapa tsa mokitlane ba ke ke ba kgona ho bona ha bonolo ha ba se ba qetile diyuniti tsa bona. Ba tla lefiswa bakeng sa motlakase o mogn oo ba o sebedisitseng ka hodima oo mafelong a kgwedi e nngwe le e nngwe.
Bakeng sa ho kenyetswa motlakase le metsi lapeng la hao kapa sebakeng sa kgwebo ya hao, iteanye le masepala wa tikoloho ya heno eo ntlo kapa gwebo ya hao e leng ho yona.
Dibakeng tse ding, mofepedi wa naha, Eskom, o fepela motlakase ka ho toba.
Mmuso ha o eso kenye tshebetsong lenaneo la tsamaiso ya mahala ya dikgwerekgwere tsa motheo. Lefapha la Ditaba tsa Metsi le ntse le hlahisa moralo wa phumantsho ya ditshebeletso tsa mahala tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere tsa motheo. Ha leano le s ele phethilwe, makgotla a metse a fanang ka ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere a tla le kenya tshebetsong.
Mmuso ha o eso kenye tshebetsong lenaneo la ho tloswa ha matlakala mahala. Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le ohahlaudi le ntse le hlahisa moralo wa phumantsho ya ditshebeletso tsa mahala tsa ho tloswa ha matlakala. Ha leano le se le phethilwe, makgotla a metse a fanang ka ditshebeletso tsa ho tloswa ha matlakala a tla le kenya tshebetsong.
Akhaonte ya Prepaid e bolela hore o reka diyuniti ka tjhelete ya hao, mme o ka sebedisa feela nomoro ya diyuniti teeo o di rekileng. Hang ho ba o sebedise diyuniti tsohle, mme o ntse o batla tse ding, o ka nna wa di reka.
Diakhaonte tse romelwang tshupamolato e ho dumella ho sebedisa palo efe kapa efe ya motlakase kapa metsi. Masepala wa lona o tla ho romela setatemente sa kgwedi le kgwedi se bontshang palo ya motlakase kapa metsi a sebedisitsweng le palo ya tjhelete eo o lokelang ho e lefa.
Iteanye le ba diofisi tsa masepala wa sebaka.
khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso bopaki ba bodulo kapa ba thepa ya kgwebo.
Tlatsa foromo ya kopo.
Lefa tefello e beuweng.
Ho sebetswa ha kopo ya hao ho qala letsatsing leo o rometseng kopo ya hao ka lona bakeng sa tshehetso ya bofuma . Kopo ya hao e tla lekolwa e be ho etswa qeto ya hore na o a tshwaneleha bakeng sa ditshebeletso tsa mahala tsa motheo kapa tjhe. O tla ngodiswa jwalo ka motho ya tshwanelehileng bakeng sa tshehetso ya Ditshebeletso tsa Mahala tsa Motheo e be o nehwa mokitlane kapa tshehetso e hlokehang, ka mokgwa o tshwanetseng, mme hona ho tla ya ka mekgwatshebetso ya masepala wa lona.
Metsi : Dilitara tsa ho qala tse 6 000 bakeng sa lelapa ka leng ke mahala, me dilitara tse ding ka mora tseo di lefiswa ka ho ya ka direiti tsa masepala.
Kopo ya tshehetso ya bofuma . Bomasepala ba bangata ba na le diforomo tsa kopo. Botsa masepala wa lona mabapi le ho etsa kopo ya tshehetso ya bofuma.
<fn>GOV-ZA. Workforum.2010-03-25.st.txt</fn>
ho iteanya le basebetsi mabapi le ditaba tse itseng; le ho kenyelletsa basebetsi diqetong tse etswang ka kopanelo mabapi le ditaba tse itseng.
Foramo ya mosebetsing e ka hlongwa sebakeng sefe kapa sefe sa ho sebetsa se nang le basebetsi ba ka hodimo ho 100. Palo ena ha e kenyelletse basebetsi ba leng botsamaising bo phahameng. Kopo e ka etswa feela ha foramo ya mosebetsing ha e yo ka ho ya ka Molao wa Dikamano Mosebetsing, 1995.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Yunione e lokela ho hokela khopi e tiiseditsweng ya tumellano e kopanetsweng, e sebetsang jwalo ka bopaki ba kelo hloko ya yona ke ramosebetsi.
Moemedi wa yunione o lokela ho tlatsa foromo ya LRA 5.1.
Ho ka nka matsatsi a 30 ho hloma foramo.
Tshebeletso ena ke mahala.
Yunione e nang le boemedi e hloma foramo ya mosebetsing.
Yunione e nang le boemedi e etsa kopo ya ho hloma foramo ya mosebetsing e theilweng yunioneng, Foromo ya LRA5.
<fn>GT - Budget Booklet - 2006-07 MTEF - S Sotho.txt</fn>
o hlophisa Bajete ya MTEF ya 2006/07 ya Mmuso wa Profensi ya Gauteng ho bontsha mohato wa bohlokwahadi boikitlaetsong ba rona bo tswelang pele ba ho arabela ditaba-tabelong tsa baahi ba Gauteng. Bajete ya MTEF ke pontsho e hlakileng ya dintho tseo re di etelletsang pele profensing ena.
Ho matlafatsa demokrasi le ho aha setjhaba, le ho kgola ditholwana tsa tokelo tsa motheo tsa setjhaba sa rona.
Sehleng sena sa puso, re hatetse pele ka mokgwa o hlollang ho finyella dipakane tseo re ipehetseng tsona. Bajete ya 2006/07 e haha hodima motheo wa katleho eo re bileng le yona mme sena se re dumella ho hatela pele haholo ho finyella diphihlello tsa rona. Bajete ya selemong sena e ekeditse dikabo tsa tjhelete bakeng sa ditshebeletso tsa setjhaba, ho ntlafatsa mokgwa wa ho isa ditshebeletso setjhabeng empa re sa hlokomolohe diphephetso tseo re nang le tsona le tseo re tshepang ho di finyella.
Dikabo tse ekeditsweng tseo re di etsang ho feta MTEF bakeng sa tshebediso ya tjhelete di bontsha ka sebele boitlamo ba rona ba ho eketsa sekgahla sa kgolo ya moruo, ho etsa mesebetsi e metjha le ho lwantsha bofuma. Tjhelete ena e tla sebedisetswa ho tshehetsa diprojeke tsa kaho ya ditsela, mehaho le tse jwalo mme sena se tla thusa haholo bakeng sa ho eketsa kgolo ya moruo le ho etswa ha mesebetsi.
Hammoho le boikitlaetso bona ba ho hodisa moruo, re itlamme ho eketsa tjhelete e sebediswang ditshebeletsong tsa thuso ya setjhaba ka ho aba dipheresente tse 80 tsa kakaretso ya bajete bakeng sa ditshebeletso tsena tsa setjhaba (sector).
Hobaneng re hloka tsamaiso ya ditjhelete?
samaiso ya tjhelete ke tsela e bontshang hore tjhelete eleng teng eka sebediswa jwang. Tsamaiso ya tjhelete e re thusa hore re finyelle boemong boo rona re ipehetseng bona.
Re na le boikarabelo ba hore re tsebise setjhaba ka diketsahalo tsa mmuso le hore ditjhelete di sebediswa jwang.
Ka ho pepesa tsamaiso ya tjhelete re hlahisa hammoho le morero wa mmuso mabapi le tsela eo tshebetso e ka lekangwang ka teng.
Ke eng ditlhoko tsa sehloho le Merero tse nkilweng ke Lekgotla-kgolo la puso ya Gauteng?
Mafapha (sectors) a hlokang mosebetsi wa matsoho le a hodisang boleng ba basebetsi le ho hodisa moruo le thuto.
Dibaka tse behilweng leihlo, tse tlang ho hodisa moruo le ntshetsopele ya moruo sebakeng sena.
Ho etelletsa Gauteng pele jwalo ka sebaka seo ho ka tliswang matsete ho sona, sa bohahlaudi le dikgwebo le lehae la dipapadi tsa tlhodisano. Re tla etsa bonnete ba hore tonamente ya Mohope wa Lefatshe ya 2010 e atlehe le ho e sebedisa jwalo ka monyetla wa ho matlafatsa moya wa ho batla ho tlisa matsete sebakeng sena, moya wa bohahlaudi le dipapadi.
Ho hodisa moruo ka ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa batho ba batsho ka bophara (BBBEE) le dikgwebo tse nyenyane (SMME) le mekgatlo e tshwarisaneng (cooperatives) le yona, ho kenyelleditswe le ho etsa menyetla ya ho itshebetsa le ho nka karolo ho tshehetseng dikgwebo ka ditjhelete tse nyenyane mme ka ho kgethehileng le ho tshehetsa dikgwebo tsa basadi le tsa batjha.
Ho phethahatsa karolo ya bohlokwa jwaloka mofumani wa thepa le ditshebeletso ntshetsopeleng ya diphihlello tsa rona tsa moruo ho kopanyeletsa le ho tshehetsa bahlahisi ba thepa ba sebakeng sena le ho matlafatsa letsoho la moruo la batho ba batsho le basadi.
Ho eketsa tshebediso ya mobu wa temo le ho eketsa tshehetso ya balemi ba batho ba batsho mabapi le tsebo ya temo, tsamaiso le ho finyella mebaraka ya temo.
Ho aha Gauteng hore e be sebaka sa bohlokwa le se hlodisanang le tse ding lefatsheng le ho etsa hore mesebetsi ya moruo ya mafapha a sa tshwaneng a profensi a tshwarisane ho matlafatsa Gauteng e le hore e fetohe setsi sa Afrika sa moruo le motse wa lefatshe o hlaheletseng ka mahetla matjhabeng.
Kgolo le Leano la Ntshetsopele Growth and Development Strategy GDS eo sepheo sa yona e leng ho fetola boemo ba setjhaba le moruo profensing ena, ho boloka botsitso ba dipolotiki, ho rala tsamaiso e sebetsang ya meaho le ditsela, ho hodisa moruo wa profensi ena le ho fokotsa leqeme la mesebetsi le bofuma Ka ditsela tsena: -Ho etsa bonnete ba hore ho na le ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo ho ya ka morero le ntshetshopele e kopaneng, e ka tshehetswang le eo batho ba nkang karolo ho yona. -Ho fana ka kgolo ya moruo, ho etsa mesebetsi le diphihlello tse amanang le tsena bakeng sa profensi ena dilemong tse leshome tse latelang tsa demokrasi. -Ho aha taolo e nang le tshebedisano le dikamano mafapheng a mmuso.
Ho hodisa maqhama le bolekane le mafapha a mang a setjhaba.
Ho qolla menyetla bakeng sa setjhaba le baahi e le hore bohle ba amehe tsosolosong le ntshetsopeleng ya profensi ena.
Ho lwantsha bofuma le ho aha metse e tiileng, e sireletsehileng le eka tswelang pele.
Ho etswa ha lenaneo le leholo le tiileng la kaho ya meaho le ditsela ho netefatsa ho tsamaiswa ha thepa ya setjhaba.
Dibaka tse ntjha tsa bodulo di fumana meaho ya ditshebeletso tsa setjhaba pele kapa kapele ka mora hore batho ba kene matlong a matjha.
Thepa ya rona ya setjhaba e ka sebediswa hape ha metse e fetoha, mohlala, dikolo metseng ya kgale di ka fetolwa ditsha tsa ditshebeletso tsa setjhaba; tsena di lokela ho hlokomelwa le ho sebediswa ka botlalo.
Matsete a mmuso a ka sebediswa dibakeng tsa setjhaba kapa dibakeng tsa dipalangwang, ho kopanyelleditswe le diteishene tse rerilweng tsa Gautrain, ho hodisa mokgwa wa ho fihlella ditshebeletso le ho ntshetsa moruo pele sebakeng sena.
Dikontraka di tla abelwa dikgwebo tse nyenyane le tse holang le ho sebedisa matsoho mesebetsing ya kaho le tlhokomelong ya meaho.
Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba le kentsweng tshebetsong Gauteng, ho kopanyelleditswe le ho matlafatsa mananeo a mesebetsi ya setjhaba a ntseng a le teng.
Ho fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse hlokahalang, ho kopanyelleditswe le metsi le motlakase o sa lefellweng. Ntho ya bohlokwa e tla ba ho fana ka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, karolo ya bohlokwa ntshetsopeleng ya bophelo bo botle.
Ho eketsa mefuta e fapaneng ya matlo bakeng sa batho ba maemo a sa tshwaneng, dibaka tse ntle tseo ho ka hahuwang ho tsona le ho bopa tshebedisano le mekgatlo ya praevete le banka-karolo ba bang. Hape ho tla tshohlwa tharollo mabapi le bokamoso ba dihosetele profensing ya rona.
Ho tsosa morolo wa metse ya ditoropo, ho kopanyeletsa le tshebedisano mafapheng kaofela a mmuso le ho sebedisa matsete a mmuso le a mekgatlo ya praevete ka ditsela tseo ho ka unwang melemo e mengata haholo.
Ho ntshetsa pele le ho nolofaletsa boikitlaetso ba kgodiso ya moruo sebakeng sena e le hore ho fanwe ka mesebetsi, ho aha ditsela le meaho ya setjhaba le ho etsa bonnete ba hore batho ba sebaka sena ba fihlella menyetla, ka ho kgethehileng metse e fumanehileng haholo. Mmuso o tla leka ho hokahanya le ho lebisa matsete a wona dikarolong tse itseng sebakeng sena kapa meahong ho hodisa haholo tshebetso ya wona.
Ho hodisa le ho kenya tshebetsong leano le akareletsang le dipalangwang tsa setjhaba le eketsang mokgwa wa ho sebedisa dipalangwang tse sireletsehileng le tsa theko e tlase, ho fokotsa nako eo batho ba leng dipalangweng ka yona le nako ya tsamaiso ya thepa profensing ya rona le ka ntle ho profensi le ho fokotsa tshilafatso ya tikoloho e bakwang ke dipalangwang.
Ho hlahisa tikoloho e sireletsehileng le e hlwekileng ka ho fokotsa ditshila, ho fokotsa thepa e ke keng ya sebediswa hape le ho rarolla bothata ba tshilafatso ya moya, metsi le mobu.
Tshebedisano le baahi ba metse le mapolesa ho etsa bonnete ba hore mebila ya rona e sireletsehile, mahae, dibaka tsa mosebetsi le dikolo, ka ho kgethehileng bakeng sa basadi le bana.
Ho kgothaletsa phepo e ntle le mekgwa e metle ya bophelo.
Thibelo le mananeo a kalafo kgahlanong le disosa tsa ho kula le lefu tse jwaloka twantshano, dikotsi tsa mebileng, kgatello ya maikutlo, HIV le Aids, mekgwa e mebe ya bophelo le tshebediso e mpe ya tahi.
Ho fana ka ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo, karabelo le boleng ka: -ho fokotsa nako ya ho leta -ho ntlafatsa ditshebeletso tse fanwang ke batho ba ka pele ba fanang ka tshebeletso -ho tsosolosa meaho ya bophelo bo botle -ho tshehetsa profeshene ya tlhokomelo ya bophelo le basebetsi le -ho neha baahi ba metse ya rona lesedi le thuto mabapi le bophelo bo botle.
Ho matlafatsa ditshebeletso tsa ditliniki tse fanang ka tlhokomelo ya bophelo e le hore di sebetsane le maemo a tlwaelehileng, ho hodisa karolo ya baahi le ho nolofatsa tshebedisano lefapheng lena.
Ho tsetela haholo batjheng ka ho ba rupella ba sa le banyenyane.
Ho matlafatsa thuto dikolong tsa setjhaba e le hore bana bohle ba rona profensing ena, ka ho kgethehileng ba fumanehileng haholo, ba fumane thuto e lekanang le ya boleng bo botle.
Ho etsa bonnete ba thuto ha e holelwe ka ho matlafatsa thuto le kwetliso e hlokahalang bakeng sa batho ba baholo, ho kwetlisa hape le ho fana ka tsebo hape, ho neha batho ba ileng ba tlohela sekolo pele ho nako kapa ba tlohedisitsweng mosebetsi monyetla o mong.
Ho hokahanya di-indaseteri, dikolo tsa thuto e phahameng, mekgatlo e fanang ka bokgoni le mafapha kaofela a mmuso ho ba ngata-nngwe e le hore thuto e fanwang moo e iphaphatha le ditlhoko tsa di-indasteri, ka ho kgethehileng thuto e hlokahalang kgodisong ya moruo.
Thibelo ya tlolo ya molao setjhabeng ho thibela le ho rarolla disosa tsa tlolo ya molao le twantshano, ka ho kgethehileng kgahlanong le basadi le bana.
Ntshetsopele ya batjha ka ho eketsa menyetla ya batjha ya ho nka karolo moruong le ho finyella bokgoni ba bona, ho kopanyeletsa le ho ba nolofaletsa ho nka karolo dipapading, mesebetsing ya bonono le ya setso.
Ho matlafatsa bokgoni ba basadi ka mananeo wohle a mmuso ka ho tlosa dintho tse ba thibelang ho nka karolo moruong le setjhabeng ka mokgwa o lekanang.
Ho sebedisa mananeo a bonono le setso, dipapadi le boikgathollo ho matlafatsa ntshetsopele ya setjhaba le tshebedisano hara batho.
Ho ntshetsa pele dipapadi jwalo ka lenaneo la bohlokwa, e seng feela ka hobane di kgothaletsa bophelo bo botle le mekgwa e sehlahlo ya bophelo, empa hape ka hobane dipapadi di aha setjhaba le ho ntshetsa batjha pele.
Ho kgothaletsa setjhaba ho nka karolo le ho bontsha boikarabelo, ho akareletswa ho sebedisa Izimbizo, letsholo la Lets Talk (A re Bueng) le diboka tseo ho mamelwang setjhaba le ho matlafatsa karolo ya Lekgotla la Mmuso la Molao.
Ho matlafatsa ho nka karolo demokrasing dikarolong tsohle tsa taolo ka ho matlafatsa ho nka karolo ha batho diforamong tse jwalo ka dikomiti tsa lebatowa (ward), Makgotla a Taolo a Dikolo le Diforamo tsa Mapolesa a Motse.
Ho neha baahi bohle ditshebeletso tsa boleng bo phahameng, tse bontshang tlhokomelo le tse tshwarahaneng. Sena ka ho kgethehileng se kenyelletsa ho tlosa dintho tse sitisang phetisetso ya ditshebeletso ho batho, ho etsa bonnete ba hore ditshebeletso tsena di tswela pele di le teng le ho eketsa kamoo mafapha a mmuso a arabelang ka pele ka teng ditletlebong le mathateng a baahi.
Ho sebedisana le mmuso wa sebakeng sena mabapi le ho tshehetsa lenaneo la diphetoho.
Refumana tjhelete ya rona ho kae?
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Nyollo ya tshebediso ya ditjhelete e bile ho kae?
Lefapha Re sebedisitse jwang tjhelete selemong se fetileng 2005/06 bilione Re tlo sebedisa jwang tjhelete selemong sena?
<fn>GT Sotho.txt</fn>
e hlahisa Bajete ya MTEF ya Mmuso wa Profensi ya Gauteng selemong seo ka sona re ketekang Dilemo tse 50 tsa Tokomane ya Mmuso ya Tokoloho (Freedom Charter).
Ha e le mona re keteka Dilemo tsena, ka Bajete ena re abile mehlodi ka tsela e tla ntshetsa pele maikemisetso a motheo a Tokomane ena ya Tokoloho le ho tiisa tseo re di fumaneng ka ho eketsa phumantsho ya bophelo bo botle ho bohle.
Ho tloha ka selemo sa 1994, re ile ra atleha ho etsa motheo o tiileng oo hodima ona re ka thehang merero ya rona ya tshebetso. Diphetho tsa mosebetsi wa rona di qala ho totobatsa hore ho na le phihlello ya ditshebeletso tsa setjhaba, tshebetso ya setjhaba e atlehileng le kgolo ya moruo. Re atleha ho theha setjhaba se atlehileng se theilweng hodima tekatekano le seriti se tshwanelang bohle.
Bajete ena e bontsha kamoo dintlha tsena tsa motheo di tla fihlellwa ka teng ka ho latela mananeo a fapaneng le mesebetsi e itseng ya Mmuso wa Profensi ya Gauteng ka nako ya dilemo tse tharo tsa ditjhelete.
Mokgwa wa Mmuso wa Gauteng wa Kgolo le Ntshetsopele o ikamahanya le boitlamo ba rona ba ho sebeletsa hore ho be le morero o matla wa setjhaba wa ho fokotsa bofuma ka lehare le tlhokeho ya mesebetsi ka ho ntshetsa pele maemo a phahameng a moruo wa dinako tsohle. Re tla shebana hape le diphephetso tsa moruo wa bobedi e leng karolo ela ya moruo wa rona e tsejwang ka tlhokeho e phahameng ya mesebetsi, tlhokeho ya tsebo ya mesebetsi esita le ho ba le tswelopele e fokolang ka kakaretso.
Mesebetsi ya setjhaba e etsa 81% ya tjhelete yohle ya bajete e sebediswang e bontshang boitlamo ba rona ba ho hlahisa mesebetsi e atlehileng ya setjhaba ho baahi bohle ba Gauteng. Re bile re fane ka mehlodi ya mesebetsi ya disebediswa le mesebetsi ya boithaopo ya profensi e ntshetsang pele kgolo ya moruo, tlhahiso ya mesebetsi le ho phehisa twantshong ya bofuma.
Ke tshepa hore o tla fumana tokomane ena e le e molemo haholo ho eketsa kutlwisiso le tshekatsheko ya Bajete ena ya 2005MTEF ya Profensi ya Gauteng.
Hobaneng re hloka tsamaiso ya ditjhelete?
samaiso ya tjhelete ke tsela e bontshang hore tjhelete eleng teng eka sebediswa jwang. Tsamaiso ya tjhelete e re thusa hore re finyelle boemong boo rona re ipehetseng bona.
Re na le boikarabelo ba hore re tsebise setjhaba ka diketsahalo tsa mmuso le hore ditjhelete di sebediswa jwang.
Ka ho pepesa tsamaiso ya tjhelete re hlahisa hammoho le morero wa mmuso mabapi le tsela eo tshebetso e ka lekangwang ka teng.
Ke eng ditlhoko tsa sehloho le Merero tse nkilweng ke Lekgotla-kgolo la puso ya Gauteng?
Tlhahisa ya mananeo a tsitsitseng ho netefatsa disebediswa tsa setjhaba tse tsepameng.
Dithoto tsa setjhaba di tla nne di fetohe ho ya ka ditlhokeho tse fetohang tsa baahi.
Ke eng ditlhoko tsa sehloho le Merero tse nkilweng ke Lekgotla-kgolo la puso ya Gauteng?
Ho tlisa mmoho diintasteri, ditheo tsa thuto e phahameng, bokgoni ha mmoho le mafapha ohle a mmuso.
Ke eng ditlhoko tsa sehloho le Merero tse nkilweng ke Lekgotla-kgolo la puso ya Gauteng?
Ho sebedisa disebediswa tsa mmuso ka mokgwa o tsepameng hore mmuso o fihlelle maikemisetso a ona.
Refumana tjhelete ya rona ho kae?
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Nyollo ya tshebediso ya ditjhelete e bile ho kae?
Re sebedisitse jwang tjhelete selemong se fetileng (2004/05) bilione Re tlo sebedisa jwang tjhelete selemong sena?
<fn>Hansards.16DaysOfActivism.2009-11-11.st.txt</fn>
Nka Dikgato Kgahlanong le Tlhekefetso!
Matsatsi a 16 a Boitseko ke eng?
Letsholo lee le tshwarwa neng?
Tse ding tsa disosa tsa dikgoka kgahlanong le basadi ke dife?
Di etsahala ha banna ba sebedisa MATLA le MOLAO bohlaswa ho LAOLA basadi.
TLHEKEFETSO ke eng?
Na o a tseba...
hore Palamente e fetisitse melao ho sireletsa ditokelo tsa batho kgahlano le tlhekefetso?
O ka fumanang thuso hokae?
<fn>Hansards.16DaysPoster.2009-11-11.st.txt</fn>
<fn>Hansards.16June5Minutes.2009-11-11.st.txt</fn>
O ka re Palamente e amana le batjha jwang?
e tla ba sefe Palamenteng ho ntlafatsa bophelo Afrika Borwa?
Molaetsa wa hao ke ofe ho batjha ba Afrika Borwa?
batla ho bolella Palamente se leng bohlokwa ho wena?
<fn>Hansards. AfricaDay.st.txt</fn>
Ho na le dinaha tse 54 Afrika tseo ho tsona tse 53 e leng ditho tsa AU. Morocco ha se setho sa AU.
AU e kopantse kontinente ya Afrika ho rarolla diphephetso tsa yona tse ngata tse jwaloka ntwa ya dihlomo, phetoho ya maemo a lehodimo, le bofuma.
AU e ikemisetsa ho sireletsa ditokelo tsa demokerasi, ditokelo tsa botho le diikonomi tse bolokehang Afrika, haholoholo ka ho fedisa ntwa le ho theha sebaka sa theko se tshwanang.
Pono ya Kopano ya Afrika ke: "Afrika e kopaneng, e ruileng ebile e na le kgotso, e kgannwang ke baahi ba yona le ho emela lebotho lefatsheng ka bophara".
ho matlafatsa tshebedisanommoho kontinenteng le ho aha sebaka sa bokamoso se tshwanang mahareng a batho ba Afrika.
Ha ho hopolwa Letsatsi la Afrika, re ba le motsotso wa ho ntjhafatsa tshepiso ya rona ho rona, kontinenteng ya Afrika le botjhaba ba rona bo arolelanweng le sebaka sa bokamoso.
Ho ipapisitswe le pholisi ya naha ya matjhaba, Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e tsepamisa maikutlo ho Afrika molaotsamaisong wa kakaretso wa dikamano tsa matjhaba.
Selomong sena Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e tla be e tshwere Puisano ya Afrika ka la 23 Motsheanong e tla latelwa ke ngangisano ka la 25 Motsheanong tlasa sehlooho "Ntjhafatso ya Afrika, phahamiso le ntshetsopele" bakeng sa ho keteka Letsatsi la Afrika.
Mokotaba: "Ho tswa Ponong ho ya Ketsong, Karolo e Latelang ya Afrika".
Foramo ya Ekonomi ya Lefatshe ke mokgatlo o ikemetseng wa matjhaba o tshepisang ho ntlafatsa boemo ba lefatshe ka ho buisana le baetapele ba kgwebo, ba dipolokiti, ba thuto le baetapele ba bang ba setjhaba ho bopa mananetsamaiso a lefatshe, a lebatowa le a indasteri.
Pontsho tsa Bophelo bo Botle tsa Afrika le Kopano di tla thakgolwa ka Motsheanong 2011 Johannesburg Expo Centre, Nasrec, Afrika Borwa. Bophelo bo Botle ba Afrika bo tla fana ka pontsho tse kgolo tsa matsatsi a 3 le kopano e buang ka lethathama la dihlooho tse amanang le tlhokomelo ya bophelo bo botle Afrika, mme e tla hohela diketekete tsa basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ho tswa lebatoweng le ho potoloha lefatshe menyakong ya yona.
Ho ketekweng ha Letsatsi la Afrika, ho tloha Motsheanong 27 - 29, Johannesburg e tla itumella mokete wa mafelo a beke o bitswang Sanaa Afrika, Moya wa Keteko o tla amohela morethetho wa pelo wa Afrika le moya o hlasimollang ka ho ba le bonono bo babatsehang ba kontinente, boithabiso, mmino le tse ngata.
<fn>Hansards. AidsCalendar.2009-12-08.st.txt</fn>
<fn>Hansards. Announcements.st.txt</fn>
Ditho le baeti ba kotjwa ho feta mosemeng o mofubedu mme ba dule ditulong tsa bona ka hara ntlo le dibakeng tse fapaneng ka ha moseme o mofubedu o tla kwalwa metsotsong e 15.
Ditho le baeti ba kotjwa ho feta mosemeng o mofubedu mme ba dule ditulong tsa bona ka hara ntlo le dibakeng tse fapaneng ka ha moseme o mofubedu o tla kwalwa metsotsong e 10.
Ditho le baeti ba kotjwa ho feta mosemeng o mofubedu mme ba dule ditulong tsa bona ka hara ntlo le dibakeng tse fapaneng ka ha moseme o mofubedu o tla kwalwa metsotsong e 4.
Ditho le baeti ba kotjwa ho dula ditulong tsa bona hanghang ka hara ntlo le dibakeng tse fapaneng ka ha moseme o mofubedu o tla kwalwa jwale.
Bomme le bontate moseme o mofubedu o se o kwetswe ka molao jwale.
Bomme le bontate moseme o mofubedu o se o kwetswe ka molao jwale.
Bomme le bontate moseme o mofubedu o se o kwetswe ka molao jwale.
Ditho le baeti ba kotjwa ho palama dibese tse yang CTICC ka mane ka Plein Street. Re kopa hore le hlahise dikarete tsa memo ho baamohedi ha le palama.
Ditho le baeti ba kotjwa ho leba Plein Street ka potlako mme ba palame dibese tse yang CTICC. Re kopa hore le hlahise dikarete tsa memo ho baamohedi ha le palama.
Ditho le baeti ba kotjwa ho palama dibese tse yang CTICC mane Plein Street hanghang. Re kopa hore le hlahise dikarete tsa memo ho baamohedi ha le palama.
<fn>Hansards. FraudAwareness.st.txt</fn>
Our institution needs you to embrace correct workplace behaviour!
Iziko lethu lifuna uzinxulumanise nendlela elungileyo yokuziphatha emsebenzini!
Ons instelling vereis dat jy die regte gedrag by die werkplek moet aanneem.
Isikhungo sethu sidinga wena ukuthi wamukele indlela efanele yokuziphatha emsebenzini!
Setheo sa rona se hloka hore o ananele boitshwaro bo nepahetseng mosebetsing!
By refusing to lie, steal, deceive and/or misrepresent the facts in any way.
Ngokwala ukuxoka, ukuba, ukuqhatha okanye nokuguqula iinyaniso nangaluphi na uhlobo.
Deur te weier om leuens te vertel, te steel, te mislei en/of die feite op enige wyse te verdraai.
Ngokunqaba ukuqamba amanga, ukuntshontsha, ukukhohlisa kanye/ noma ukuhlanekezela amaqiniso nganoma ngayiphi indlela.
Ka ho hana ho bua leshano, ho utswa, ho thetsa le/kapa ho fetola dintlha ka tsela efe kapa efe.
By ensuring that you are a person with strong moral principles with the highest level of honesty & trustworthiness.
Ngokuqinisekisa ukuba ungumntu onentsulungeko enzulu onezinga eliphezulu lokunyaniseka nentembeko.
Deur te verseker dat jy 'n persoon is met sterk morele beginsels en die hoogste vlak van eerlikheid & betroubaarheid.
Ngokuqinisekisa ukuthi ungumuntu onesimilo esiqinile osezingeni eliphezulu lobuqotho kanye nokwethembeka.
Ka ho netefatsa hore o motho ya nang le theo e matla ya boitshwaro bo nang le botshepehi le ho tshepahala ho boemong bo hodimo.
By understanding that you are responsible for all your decisions and your actions and that you will be expected to explain your actions when asked to.
Ngokuqonda ukuba zonke izigqibo nezenzo zakho ziluxanduva lwakho oya kulindeleka ukuba unike ingcaciso ngazo xa kuyimfuneko.
Deur te weet dat jy verantwoordelik is vir al jou besluite en dade en dat jy rekenskap daarvoor sal moet gee, indien nodig.
Ngokuqonda ukuthi unesibopho ngazo zonke izinqumo zakho kanye nezenzo zakho nokuthi ungalindeleka ukuthi uchaze ngezenzo zakho uma ucelwa ukuthi wenze njalo.
Ka ho utlwisisa hore o jara boikarabelo ba diqeto le diketso tsohle tsa hao le hore o tla lebellwa ho hlalosa diketso tsa hao ha o botswa.
By ensuring that the decisions that are made are clear and open.
Ngokuqinisekisa ukuba izigqibo ezithatyathiweyo zicacile kwaye zisekuhleni.
Deur te verseker dat die besluite wat geneem word deursigtig en oop is.
Ngokuqiniseka ukuthi izinqumo ezenziwayo zicacile futhi zisobala.
Ka ho netefatsa hore diqeto tse nkwang di hlakile mme di bulehile.
Tip-offs Anonymous is an independent hotline service that allows you to report any instances of workplace wrong doings in an anonymous manner. No one will know your identity if you happen to make the tip-off, you remain anonymous.
ITip-offs Anonymous yinkonzo yomnxeba ezimeleyo yokuxela nabuphi na ubugwenxa basemsebenzini, ungazichazanga. Akukho bani uya kukwazi xa uthe waba uxelile; uya kuhlala ungaziwa.
Tip-offs Anonymous is 'n onafhanklike blitslyndiens wat jou die geleentheid bied om enige gevalle van onregmatige optrede anoniem aan te meld. Geen persoon sal jou identiteit ken indien jy die inligting verskaf nie, jy bly anoniem.
I-Tip-offs Anonymous wusizo locingo oluzimele futhi olutholakala ngazo zonke izikhathi olukuvumela ukuthi ubike noma yiziphi izenzo ezingalungile ezenzeka emsebenzi ngaphandle kokuthi udalulwe. Akekho umuntu ozokwazi uma kukhona oqwashise ngakho, uhlala ungaziwa.
Tip-offs anonymous ke tshebeletso ya mohala wa fonofono e ikemetseng e o kgontshang ho tlaleha diketso tse fosahetseng mosebetsing ntle le hore o tsejwe. Ha ho motho ya tla o tseba ha o tlaleha ho itseng, o ke ke wa tsejwa.
You will not be subjected to any occupational detriment on account of doing the right thing by reporting unethical behaviour.
O keke wa tshwarwa hampe mosebetsing ka lebaka la ho etsa ntho e nepahetseng ya ho tlaleha maitshwaro a sa lokang.
Tip-offs Anonymous is an independent hotline service that allows you to report any instances of workplace wrong doings in an anonymous manner. No one will know your identity if you happen to make the tip-off, you remain anonymous.
ITip-offs Anonymous yinkonzo yomxeba ezimeleyo evumela ukuba uxele naziphi na izehlo zobugwenxa emsebenzini, ungaziwanga.
Akukho bani uya kukwazi xa uthe waba uxelile; uhlala ungaziwa.
Tip-offs Anonymous is 'n onafhanklike blitslyndiens wat jou die geleentheid bied om enige gevalle van onregmatige optrede anoniem aan te meld. Geen persoon sal jou identiteit ken indien jy die inligting verskaf nie, jy bly anoniem.
I-Tip-offs Anonymous wusizo locingo oluzimele futhi olutholakala ngazo zonke izikhathi olukuvumela ukuthi ubike noma yiziphi izenzo ezingalungile ezenzeka emsebenzi ngaphandle kokuthi udalulwe. Akekho umuntu ozokwazi uma kukhona oqwashise ngakho, uhlala ungaziwa.
Tip-offs anonymous ke tshebeletso ya mohala wa fonofono e ikemetseng e kgontshang ho tlaleha diketso tse fosahetseng mosebetsing ntle le ho tsejwa. Ha ho motho ya tla o tseba ha o tlaleha ho itseng, o ke ke wa tsejwa.
Our Sun. Our South Africa. Let's all strive for a brighter future by being accountable and by taking responsibility for our actions.
Tip-offs Anonymous is an independent hotline service that allows you to report any instances of workplace wrong doings in anonymous manner. No one will know your identity if you happen to make the tip-off, you remain anonymous.
ITip-offs Anonymous yinkonzo yomnxeba ezimeleyo evumela ukuba uxele naziphi na izehlo zobugwenxa emsebenzini, ungaziwanga. Akukho bani uya kukwazi, xa uthe waba uxelile; uhlala ungaziwa.
Tip-offs Anonymous is 'n onafhanklike blitslyndiens wat jou die geleentheid bied om enige gevalle van onregmatige optrede anoniem aan te meld. Geen persoon sal jou identiteit ken indien jy die inligting verskaf nie, jy bly anoniem.
I-Tip-offs Anonymous wusizo locingo oluzimele futhi olutholakala ngazo zonke izikhathi olukuvumela ukuthi ubike noma iziphi izenzo ezingalungile ezenzeka emsebenzi ngaphandle kokuthi udalulwe. Akekho umuntu ozokwazi uma kukhona oqwashise ngakho, uhlala ungaziwa.
Tip-offs anonymous ke tshebeletso ya mohala wa fonofono e ikemetseng e kgontshang ho tlaleha diketso tse fosahetseng mosebetsing ntle le ho tsejwa. Ha ho motho ya tla o tseba ha o tlaleha ho itseng, o ke ke wa tsejwa.
Do the right thing!
Etsa ntho e nepahetseng!
Face yourself in the mirror and be proud of yourself and your institution. If you suspect unethical behaviour, report it!
Itjhebe seiponeng mme o be motlotlo ka wena le setheo sa hao. Ha o belaella maitshwaro a sa lokang, a tlahele!
Tip-offs Anonymous is an independent hotline service that allows you to report any instances of workplace wrong doings in an anonymous manner. No one will know your identity if you happen to make the tip-off, you remain anonymous.
ITip-offs Anonymous yinkonzo yomxeba ezimeleyo evumela ukuba uxele naziphi na izehlo zobugwenxa emsebenzini, ungaziwanga.
Akukho bani uya kukwazi xa uthe waba uxelile; uhlala ungaziwa.
Tip-offs Anonymous is 'n onafhanklike blitslyndiens wat jou die geleentheid bied om enige gevalle van onregmatige optrede anoniem aan te meld. Geen persoon sal jou identiteit ken indien jy die inligting verskaf nie, jy bly anoniem.
I-Tip-offs Anonymous wusizo locingo oluzimele futhi olutholakala ngazo zonke izikhathi olukuvumela ukuthi ubike noma yiziphi izenzo ezingalungile ezenzeka emsebenzi ngaphandle kokuthi udalulwe. Akekho umuntu ozokwazi uma kukhona oqwashise ngakho, uhlala ungaziwa.
Tip-offs anonymous ke tshebeletso ya mohala wa fonofono e ikemetseng e kgontshang ho tlaleha diketso tse fosahetseng mosebetsing ntle le ho tsejwa. Ha ho motho ya tla o tseba ha o tlaleha ho itseng, o ke ke wa tsejwa.
<fn>Hansards. GautengAdvertPamphlets.st.txt</fn>
Lefapha la Mehlodi ya Dimerale le ne le sa tswa lekola botjha Tjhata ya Dimaene. Tekolobotjha ena e ne e shebane le dintlha tse fapaneng tsa tjhata ho kenyelletswa thuo, phumano le ntshetsopele ya kgwebo, kuno, tekano mosebetsing le ntshetsopele ya tlhokomelo ya basebetsi.
Ho ya ka ditabatabelo tse bohlokwa tsa Palamente tsa ho tsamaisa ho ba le seabo ha setjhaba, Komiti ya Potefolio ho tsa Mehlodi ya Dimerale (Komiti) e tla be e tshwere Kopano ya ho Nonya Maikutlo a Setjhaba maelana le diphetho tsa tekolobotjha ya Tjhata ya kgale ya Dimaene le ditlhahiso bakeng sa Tjhata e ntjha ya Dimaene mane Carletonville (Sebaka ke hona se tlang ho tsebiswa), Porofensing ya Leboya Bophirimela ka Laboraro, ka la 30 Hlakubele 2011. Hantlentle Komiti e ka rata ho kopana, ka ho qolleha, le Dikhamphane tsa Dimaene, basebetsi ba dimaene, mekgatlo ya basebetsi le baahi ba metse e potapotileng dikhamphani tsa dimaene.
Dipatlisiso di ka lebiswa ho Ms Noluthando Skaka kapa Mong.
Dintlha: Mohala (021) 403-3751 selefoune 083 709 8520 kapa 083 966 7720 aterese ya imeile (nsakaka@parliament.gov.za) kapa (vmfuniselwa@parliament.gov.za); Fekse: 086 619 9194.
E ntshitswe ke Mong. MF Gona, Setho sa Paiamente: Modulasetulo: Komiti ya Potefolio ho tsa Mehlodi ya Dimenerale.
<fn>Hansards. GreenLight.st.txt</fn>
Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e qadile Leano la Taolo ya Matlakala, jwalo ka karolo ya mokgwa wa ho laolo tikoloho ya mosebetsi e sireletsehileng le e phethahetseng.
Molaotheo o bolela hore batho ba Afrika Borwa ba na le tokelo ya tikoloho e seng kotsi bakeng sa bophelo bo botle ba bona. Sena se kenyelletsa tshireletso ya tikoloho ka melao e utlwahalang le mehato e meng ya ho thibela tshilafatso le ho theola boleng ba tikoloho, ho nthstetsapele bapallo ya naha, le ho fumantsha ntshetsopele e tsitsitseng ya tikoloho. Re ka kgutlisetsa morao tse ding tsa ditshenyeho tse seng di etsahetse polaneteng ya rona ha bohle re ka nka mehato ya ho tlisa phaphang.
Palamente e ikitlaeditse ho netefatsa bophelo bo botle le tshireletseho ya Ditho kaofela le basebetsi ba Palamenteng le batho bohle ba sebetsang kahare kapa ba kenang meahong ya yona. Institjhushini ena e ikitlaelleditse ho etsa hore meaho ya Palamente e dule e le maemong a matle bakeng sa ho fana ka tshireletso le tikoloho e ntle ya ho sebetsa, le ho nka mehato ho laola dikotsi tikolohong ya mosebetsi.
Molao, o kang Molao wa Bophelo bo bottle le Tshireletseho Mosebetsing (OHSA) o tlama Palamente ho fana ka, le hore ho dule ho le teng ka boholo kamoo ho kgonehang kateng, sebaka sa mosebetsi se sireletsehileng le se seng dikotsi maphelong a basebetsi ba yona. Ho na le tebello ya hore basebetsi ba sebedisane mmoho le boramesebetsi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa molao di a fihlellwa. Palamente e na le boikarabelo ba ho elellisa babsebetsi ba yona kaofela ka bohlokwa ba ho hlokomela tikoloho mmoho le dikarolo le boikarabelo bo tsamaisang le yona.
Palamente e entse maano a ho laola tikoloho ya mosebetsi e sireletsehileng le e phethahetseng, ho kenyelletswa tlhahiso ya Leano la Taolo ya Matlakala.
Molemo wa leano lena ke ho fana ka moralo bakeng sa phumantsho e lekaneng, e kgonehang le e tswelang pele ho basebetsi le ditho tsa setjhaba tse kahara meaho ya Palamenteng. Leano lena le labalabela ho netefatsa ho lahlwa ha matlakala ka mokgwa o sireletsehileng ho nyenyefatsa tshilafatso, ho atisa ho resaekela le ho netefatsa hore matlakala a bakwang Palamenteng a sebetswa ho ya ka ditataiso tse fumanwang ho lona.
"Matlakala" ho bolela dintho, ebang ke tsa moya, metsi kapa tse tshwarehang kapa motswako wa tsona kaofela, seo nako le nako e leng ntho e hlaloswang jwalo ke Letona la Naha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi ka temoso e fumanwang kahara Gazette ya Muso.
Matlakala a ommeng a bokellwa tsatsi le leng le le leng kahara mekotlana ya dipolasitiki le kahara ditshelo tse tswang dibakeng tsohle mme di iswa sebakeng se dumelletsweng ho boloka matlakala.
Matlakala a meriana a bewa kahara ditshelo tsa polasetiki (tse tshehla) mme a tloswa ka nako tsohle ke ba phumantsho ya ditshebeletso ba nang le konteraka le Palamente, kapa ha ho hlokeha.
Ditjhubu tse bonesang tsa motlakase tse sa sebediswang di a nkuwa di iswa sebakeng se sireletsehileng moo di ilo pjhatlwa teng.
Matlakala a bewa kahara ditshelo tse tshwailweng mme a tloswa nako le nako.
Dikhemikhale di bewa kahara ntlwana ya dikhemikhale e notletsweng ho thibela tshebediso ke ba senang tokelo. Dikhemikhale kaofela di tlamehile ho kenywa kahara ditshelo tse tshwailweng, mme dikhemikhale tse nyenyane tse kotsi di tlamehile ho ngolwa mabitso ka nepo.
Ba phumantso ya ditshebeletso ba tlosa ditshelo tsa kgase ka potlako meahong ya Palamenteng le ho netefatsa hore ditshelo tsena di lahlwa ho ya kamoo ho hlokehang ka teng ke molao, ho thibela tshebediso ntle le maikemisetso.
Palamente e motjheng wa ho fumana ditshelo tsa ho resaekela bakeng sa oli ya ho pheha e sebedisitsweng tse ka fetolelang oli ya pheha ho diesele. Mokgwa wa ho tsholella oli ya ho pheha kahara dipeipi tsa metsi a pula ha o a dumellwa.
Palamente e batlana le ba diphumantso tsa ditshebeletso ba batjha ho tlosa dipampiri bakeng sa ho resaekelwa. Kaofela diofisi tsa Palamenteng di tla fuwa mabokoso a khateboto a matlakala bakeng sa ho bokella dipampiri tse lahluweng. Mabokoso ana a tla qhalwa bekeng e nngwe le e nngwe.
Ketso e nngwe le e nngwe ya ho sireletsa tikoloho ya rona, ho baballa matla le ho fokotsa matlakala e bohlokwa. Ke boikarabelo setjhabeng ba baahi bohle ba Afrika Borwa, ho kenyelletswa Ditho le basebetsi ba Palamenteng kaofela ho baballa tikoloho ya rona bakeng sa maloko a kamoso le ho ntshetsapele moetlo wa ntshetsopele e tswellang pele.
<fn>Hansards. HowTheBudgetWorksForUs.st.txt</fn>
Bajete ke eng?
Bajete ke moralo o bontshang hore ke tjhelete e kae e fumanwang le hore e tla sebediswa jwang bakeng sa nako eo ho nehelanweng ka yona. Jwalo ka batho, re etsa moralo hangata ka tshebediso ya tjhelete eo re e fumanang le eo re e sebedisang. Ho bajeta ho bohlokwa hobane le ha eba re ka batla ho reka dintho tse ngata, ha re dule re na le tjhelete e lekaneng bakeng sa tseo. Ka lebaka leo, re na le ditlhoko tse ngata empa disebediswa di nyane ho ka fihlella seo re se batlang. Bajete e ka dikgwebo, le ho kgetha tsela eo re ka sebedisang tjhelete ya rona ka teng. Ebang re e sebedisetsa ntho e le nngwe, re ka tlameha ho phela ntle le e nngwe.
Mmuso o rala Bajete ya ona jwang?
Ka mokgwa o tshwanang, Mmuso le ona o tobane le dikgetho. Moralo wa Mmuso o tlameha ho lekana le disebediswa tse teng mmoho le ditlhoko tsa batho. Bajete e nehelanwa ho ya ka ditlhoko tse ka sehloohong tsa selemo. Bajete ya naha e fana ka tekanyetso ya Mmuso ya lekeno le ditjeo tsa selemo sa ditjhelete, ho tloha ka la 1 Mmesa selemong se itseng, ho isa ho 31 Hlakubele selemong se latelang. Bajete ya naha ha e tshwane le tse ding, hobane e hlalosa tsela eo tjhelete e tla sebediswang ka teng, mme e fane ka dintlha ka tsela eo ditjhelete di tlang ho bokelletswa ka teng bakeng sa ho anela ditshebediso tsa naha.
Mmuso o bokeletsa jwang tjhelete ya wona?
Mohlodi o moholo wa lekeno la Mmuso ke ka lekgetho. Lekgetho ke ditefello tse tlamang tse etswang ho Mohlanka wa Lekgetho ke batho, dikgwebo le ke motho mang kapa mang ya tshwanelang ho lefa lekgetho. Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (SARS) di ikarabella bakeng sa ho bokella lekgetho. Ho na le mefuta e fapaneng ya lekgetho. Mmuso o fumana bongata ba lekgetho ho tswa meputsong ya batho. Motho e mong le e mong naheng ena ya fumanang moputso o ka hodimo ho tjhelete e itseng, o tlameha ho lefa lekgetho mmusong. Mofuta ona wa lekgetho o bitswa lekgetho la lekeno. Mefuta e meng ya lekgetho e bitswa Lekgetho le Kentsweng Thekong - Value-Added Tax (VAT) le excise duties. Bongata ba batho ba se ba utlwetse ka VAT, le hore tse ding tsa dithepa tsa motheo ha di lefellwe VAT. Ka lehlakoreng le leng, lekgetho le ekeditsweng ka nako e nngwe le lefiswa bakeng sa thepa tsa boithabiso. Mofuta ona wa lekgetho o bitswa "sin tax". Molaotheo o totobatsa hore Mopresidente o lokela ke ho laola lekeno jwang. Tjhelete efe kapa efe eo naha e e fumanang e kenngwa akhaontong ya Exchequer. Molao wa Palamente o hlokeha bakeng sa ho hula tjhelete akhaontong ena. Bajete e nngwe le e nngwe e tlameha ho ba le lehlakore la ditjeo le la lekeno.
Bajete e sebetsa jwang?
Bajete ya Mmuso e arotswe ka Lekeno le ka Ditjeo, Kgaello pele ho Dikadimo le Sekoloto sa Naha. Lekeno le Ditjeo di bitswa hape ka hore ke akhaonto ya Mmuso ya Lekgetho. Bajete ya Mmuso e qala ka ditjeo, ha tekanyetso tse ding di qala ka lekeno. Phapang pakeng tsa lekeno le ditjeo e bitswa kgaello kapa masalla. Kgaello e etsahala ha Mmuso o rera ho sebedisa tjhelete e fetang eo e ka kgonang ho e bokelletsa ho tswa lekgethong. Dikoloto tsa setjhaba di ba teng ha mmuso o kadima tjhelete ka hara naha kapa mose ho lefella ditjeo tsa wona. Ha lekeno le feta ditjeo, mohlala, jwaloka ka ha lekgetho la motho ka mong le le lengata ho feta ka moo le neng le lebelletswe ka teng, ho ba le masalla.
Bajete e nka dikgwedi tse 14 ho e lokisa. Sena se bolela hore nakong eo Bajete ya selemong sena e tsebahatswang Palamenteng, Bajete ya selemo se latelang e se e lokiseditswe pele ka dikgwedi tse pedi. Ke mafapha a fapaneng a nkang seabo ho Bajete. Ba romela ditekanyetso tsa bona le mabaka a di tshehetsang dikantorong tse ba okametseng. Kantoro e ba okametseng e tla rala kgutsufatso mme e e romele Lefapheng la Ditjhelete. Lefapha la Ditjhelete le ntano rala kgutsufatso e bontshang ditjeo tsa mafapha ka ho fapana. Molaodi wa Lekgetho la naha le dikgwebisano le yena o rala Bajete, mme a e romele Lefapheng la Ditjhelete. Tonakgolo ya Ditjhelete le Mmusisi wa Banka ya Resefe ba kopana ho sekaseka ditekanyetso tsa ditjhelete. Puisano e tla be e susumetswa ke mabaka a dipolotiki, a moruo le ditjhelete. Molaodi Kakaretso wa Ditjhelete o hlophisa Bajete.
Hangata ka Hlakola, selemo le selemo, Letona la tsa Ditjhelete le nehelana ka Puo ka Bajete Palamenteng. Kamora moo Bajete e sekasekwe Palamenteng. Matona a kabinete a hloka ho tshehetsa mabaka a ditjeo tsa mafapha a ona ka ho fapana. Puo e latela paterone e tsepameng. E qala ka ho shebisisa sephetho sa ditjhelete tsa selemo se fetileng, e fane ka hlahlobo ya kakaretso ya maemo a moruo a naha, mme e hlahlobe selemo se latelang sa tsa ditjhelete. E hlalosa ka moo lekeno le ditjeo di ka lekangwang ka teng. Ke theo ya Molaotheo wa naha ya rona hore Mmuso o ka sebedisa tjhelete ebang Palamente e dumela. Bajete e sebetswa jwaloka molao ofe kapa ofe oo o tlamehang ho tjhaelwa monwana ke Palamente pele e ba setlamo. Kamora puo ya Letona, ditho tsa palamente di sekaseka Bajete mme di ntano vouta. Kamora hore ho buisanwe ka Bajete, Dintlo tse pedi tsa Palamente di tlameha ho e voutela. Ebang ho dumellanwe ka Bajete, lefapha leo le ka fuwa tokelo ya ho ntshetsa pele lenane la lona la ditjhelete.
Bajete le Tlhokomelo kapa ho Bewa Leihlo?
Pokeletso ya Lekgetho le ditjeo di tlameha ho laolwa ho etsa bonnete ba hore tjhelete e sebediswa ho ya ka moo ho neng ho ikemiseditswe ka teng ke Palamente. Mohlahlobi Kakaretso o fana ka raporoto Palamenteng hore ditaelo tsa tshebediso ya tjhelete di ile tsa latelwa na. Bajete ke sesebediswa sa bohlokwa sa leano bakeng sa tlhokomelo, ke ka yona mmuso o jarang boikarabelo ba hore tjhelete e sebediswa jwang.
<fn>Hansards.JSCI.2009-11-11.st.txt</fn>
Komiti ya Kopanelo ya Bohlwela e mema dikopo bakeng sa mosebetsi wa Mohlahlobi-Kakaretso wa Ditshebeletso tsa Bohlwela. Bakopi ba lokela ho latela Karolo ya 7 ya Molao wa Tekolo ya tswelopele ya Bohlwela wa 40 wa 1994. Romela CV e akaretsang dintlha tsohle le tshusumetso ya ho hirwa Komiting pele ho la 02 Pudungwana 2009. Bakeng sa dipotso letsetsa Mong. MA Ramawa, 021 403-2319, fekese: 021 465-2857 kapa emeile: aramawa@parliament.gov.
Ka kopo hlokomela hore papatso ena e a phetwa. Ha ho hlokehe hore bakopi ba seng ba rometse dikopo tsa bona ba etse kopo hape.
<fn>Hansards.NABrochure.2009-11-11.st.txt</fn>
Palamente e na le Matlo a mabedi, a bitswang Ntlo ya Seboka ya Naha le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi.
NA e kgethwa dikgethong tsa naha ka mora dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
Nakong ya dikgetho bakgethi ba kgetha batho bao ba batlang hore e be baemedi ba bona ka ho voutela mekga eo ba e ratang ya dipolotiki.
O mong wa mesebetsi e ka sehloohong ya NA ke ho etsa melao ya ho busa naha.
NA e fetisetsa Dibili Dikomiting bakeng sa tsweletso mme e ngangisana ka Dibili.
NA e ka dumela, ya hana kapa ya kgutlisetsa Dibili morao Dikomiting bakeng sa dipuisano tse tswelang pele.
Palamente e na le boikarabelo ba ho hlahlobisisa, ho bea leihlo le ho lekola diketso tsa mmuso kapa lekala lefe kapa lefe la Puso, tse mabapi le ho kenya melao tshebetsong, tshebediso ya kabo-tekanyetso, le ho hlontjhwa ha Molaotheo.
Palamente e etsa bonnete ba hore Lekgotla la Phethahatso le na le boikarabelo ka ho dumela dikabo-tekanyetso, ka ho botsa dipotso tsa Palamente, ho ba le dingangisano Palamenteng ka ditaba tsa bohlokwa, le ka ho hlahisa le ho voutela ditshisinyo tse amanang le mosebetsi wa mmuso.
NA e na le matlataelo a ho kgetha Moporesidente wa Afrika Borwa ho tswa ho Ditho tsa yona.
NA e na le Ditho tsa Palamente (MPs) tse kgethilweng tse 400.
Ditho tsa NA di kgethwa ho ya ka tsamaiso e bitswang boemedi ho ya ka divoutu.
Pele ho dikgetho, mokga ka mong o etsa lenane la bonkgetheng ho ya ka tatelano ya ho kgethwa ha bona. Bonkgetheng bana e be ba kgethwa ho ya ka divoutu tseo mokga o di hapang dikgethong. Mohlala, ha mokga o hapa halofo ya divoutu, o tla ba le halofo ya ditulo ka hara NA.
Kopanong ya pele ya NA, ditho tsa NA di kgetha Sepikara le Motlatsa-Sepikara, ba bitswang Balaodi ba Ntlo.
Balaodi ba Ntlo ba filwe boikarabelo ba ho tsamaisa ditaba tsa NA.
Sepikara le Motlatsa-Sepikara wa Palamente e ba baduladitulo dikopanong tsa NA.
Ba etsa bonnete ba hore Ditho tsa Palamente di bua ka bolokolohi, empa di kgomarela melao ya Ntlo.
Melao ya Ntlo e na le dipehelo tsa hore Baduladitulo ba Ntlo ba thuse Balaodi ba Ntlo ho etsa mosebetsi wa bona. Baduladitulo ba Ntlo ba ka lebellwa hape ho tsamaisa dikopano tsa Ntlo.
Ho fana ka tshehetso ya sepolotiki le mawa ho Balaodi ba Ntlo.
Mokga ka mong wa dipolotiki ka hara NA o kgetha Sephadi se Seholo ho tsamaisa ditaba tsa wona.
Diphadi di hlokomela Ditho tsa mekga ya tsona ka ho fapana.
Moporesidente o thonya Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso ya sebetsang le balaodi ba Matlo ka bobedi.
Boikarabelo ba Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso ke ho hlokomela ditabatabelo tsa Kabinete le mosebetsi wa Mmuso Palamenteng.
Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso o etsa bonnete hore Ditho tsa Kabinete di etsa mesebetsi ya tsona ya Palamente.
Boholo ba mosebetsi wa NA bo etswa Dikomiting.
Dikomiti tsa NA di bitswa Dikomiti tsa Potefolio.
Mosebetsi wa komiti ka nngwe o amana le lefapha la mmuso. Mohlala, Komiti ya Potefolio ya Kgwebo le Indaseteri e sebetsana le ditaba tsohle tse amang Lefapha la Kgwebo le Indaseteri.
Komiti ka nngwe e na le Modulasetulo ho etsa bonnete hore mosebetsi wa yona o tsamaiswa ka thello.
Dikomiti tsa Potefolio di ikarabela dipuisanong, dingangisanong le ho fetola dikahare tsa Dibili.
Dikomiti di ka tshwara Dipuisano tsa Setjhaba tse amanang le molao o fetisitsweng ke Palamente kapa ditaba tse amanang le molao o fetisitsweng.
Dikomiti di ikarabela hape ho lekoleng tswelopele le ho bea leihlo mosebetsi wa mafapha a mmuso.
Ho ya ka Molaotheo, Palamente e tlameha ho kenya setjhaba ha ho etswa molao le tsamaisong tse ding tsa Palamente.
Dikomiti tsa Potefolio di tlameha ho rerisa ditho tsa setjhaba hore di tle di fumane diphehiso ho Bili kapa ho utlwa mehopolo ya tsona ditabeng tsa bohlokwa tsa naha.
Setjhaba se kgothaletswa ho ba mahlahahlaha ho ba le seabo diketsahalong ha Dikomiti di tshwara Dipuisano tsa setjhaba.
Batho ka bonngwe kapa dihlopha ba kgothaletswa ho etsa diphehiso tse ngotsweng kapa tsa molomo hodima ditaba tse ba ngongorehisang.
Kenela dikopano tsa Dikomiti tsa Potefolio.
kopa tlhahisoleseding e mabapi le mosebetsi wa bona Palamenteng.
Kenela Dipuisano tsa Setjhaba tse tshwarwang ke Dikomiti tsa Potefolio.
Shebella le ho mamela dingangisano tsa kopano ka hara Ntlo mohl. Divouto tsa Bajete.
ngongorehisang. Ditletlebo tse romelwang Palamenteng di tlameha ho ba le tshehetso ya Setho sa Palamente.
Phamfolete ena e a fumaneha ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa.
<fn>Hansards.NCOPContent.2009-11-11.st.txt</fn>
Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP) e nang le bonyane baromuwa ba 90.
Le etsa sena haholo ka ho ba le seabo tsamaisong ya ketsamelao ya naha, le ho fana ka foramo ya naha bakeng sa dingangisano setjhabeng ka dintho tse ba amang diprofenseng.
Lekgotla la Naha la Diprofense le netefatsa hore dingongoreho tsa mmuso wa dibaka di hlahiswa boemong bo phahameng.
Lekgotla la Naha la Diprofense le na le moifo wa diprofense tse robong o kgethilweng ke makgotla a ketsamelao a diprofense, le baemedi ba Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Afrika Borwa.
Moifo o etellwa pele ke Tonakgolo ya profense ka nngwe, eo e leng e mong wa baemedi ba kgethehileng.
Ha ho hlokeha, Tonakgolo e ka kgetha e mong ho nka maemo a hae.
Moifo wa SALGA o kgethwa ke komiti ya wona ya phethahatso ho tswa sehlopheng sa baemedi ba Makgotla a Mmuso wa Dibaka a diprofenseng tse robong.
Bahlanka bana ba laola mosebetsi wa Lekgotla la Naha la Diprofense le ho tsamaisa dingangisano, le ho etsa bonnete ba hore baromuwa ba ka bua ka bolokolohi ba ntse ba ikamahantse melao ya Ntlo.
Motlatsi wa Modulasetulo wa moshwelella o kgethelwa ho sebetsa dilemo tse hlano ha Ditonakgolo tsa diprofense di fapanyetsana ka ho potoloha ho ba Batlatsi ba Modulasetulo bakeng sa selemo.
NCOP e nkuwa jwalo ka mokgatlo o atlehisang tshebedisano pusong esita le demokrasi e sebetsang, mmoho le ho ba setsi sa bohlokwa sa ho hlahisa dingongoreho tsa mmuso wa dibaka le wa diprofense boemong ba naha.
NCOP e fana ka lentswe mabapi le maikutlo a diprofense tse robong tsa Afrika Borwa le ho fana ka monyetla bakeng sa mmuso wa dibaka ho ba le seabo dipuisanong tsa ketsamelao boemong ba naha.
NCOP e ela hloko, e atlehisa, e hlomathisa, e sisinya dihlomathiso ho, kapa e hane ketso ya molao.
E tlameha ho sheba dibili tsohle tsa naha.
E ka qapa kapa ya hlophisa Dibili tse welang ka tlasa Sekejule 4 sa Molaotheo (dintlha tseo makgotla a ketsamelao a naha le a diprofensi a nang le kopanelo ya matla a ho etsa melao) le dibili tse ding tse amang diprofense.
Boholo ba mosebetsi wa ketsamelao o etswa dikomiting, empa dibili tsohle di tlameha ho lebiswa kopanong ya NCOP bakeng sa ngangisano le ho vouta hore na ho amohelwe kapa ho hanwe Bili.
Dibili tse sa ameng diprofense ke tse amanang le mesebetsi ya naha, jwalo ka tshireletso, ditaba tsa kantle, le toka.
Ha dibili tse kang tsena di atlehisitswe ke Seboka sa Naka, di ya ho NCOP ho ya voutelwa.
Haeba NCOP e batla ho etsa diphetoho biling, e kgutlela morao ho Seboka sa Naha, se ka amohelang kapa sa hana diphetoho.
Mehlala ya dibili tse amang diprofense e kenyelletsa thuto, dipalangwang, thekolohelo, le bophelo bo botle.
Bongata ba dibili tsena di ka hlahiswa ka NCOP ke Ntlo efe kapa efe; empa ho na le dibili tse ding tse tlamehang ho qala ka Sebokeng sa Naha.
Ha ho voutelwa Dibili tsena ka NCOP, profense ka nngwe e na le voutu e le nngwe.
Haeba ho na le ho se dumellane dipakeng tsa NA le NCOP ka bili e amamng diprofense, bili e tlameha ho romelwa ho Komiti ya Bonamodi.
Ha bili e hlomathisang molatheo e ama diprofense ka ho otloloha, bonyane diprofense tse tsheletseng ho tse robong tse kahara NCOP di tlameha ho dumellana le yona.
Haeba bili e hlomathisang molaotheo e sa ame diprofense ka ho otloloha, molaotheo o hloka hore NCOP e ngangisane ka bili (ntle le ho vouta) pele e ya Sebokeng sa Naha bakeng sa ho voutelwa.
Tekolo ke matlataelo a Molaotheo a mosebesetsi wa Palamente (ho kenyelleditswe Makgotla a Ketsamelao a Diprofense) ho bea leihlo diketso tsa mmuso.
NCOP e na le matla a ho lekola dintho tsa naha tse amang diprofense le mmuso wa dibaka.
NCOP e ka hloka setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa wa mmuso wa profense ho tla kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti ya Lekgotla.
Baromuwa ba NCOP ba ka botsa matona a Kabinete dipotso tse tlamehang ho arajwa kahara NCOP.
NCOP kapa komiti efe kapa efe ya yona e ka amohela mangolo a tletlebo, ditlhahiso kapa dinyehelo.
NCOP e boela e etela setjhaba bakeng sa ho lekola e le ho netefatsa hore e fumana tlhahisoleseding ka ho otloloha ka ditlhoko le diphephetso tsa batho.
Dikomiti tsa NCOP di bitswa Dikomit tse Kgethehileng, mohlala, Komiti e Kgethehileng ya Matlo, Mesebetsi ya Setjhaba le Dipalangwang.
Komiti ka nngwe e beha leihlo mosebetsi wa mafapha a itseng a mmuso. Komiti e ngangisana le ho hlomathisa Dibili, le ho hlophisa nonyo ya maikutlo a setjhaba haeba taba e le eo setjhaba se nang le thahasello ho yona.
Dikomiti di ka bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, hape di ka hloka hore motho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o tlalehe ho tsona.
Hang ha ho se ho ngangisanwe ka bili ke dikomiti, e iswa ho NCOP ho ya voutelwa.
Moifo wa profense ka nngwe o na le voutu e le nngwe e sebediswang maemong a profense ke hlooho ya moifo.
Ditho tsa setjhaba di ka kenya letsoho haholo mosebetsing wa tekolo ho netefatsa hore mmuso o a ikarabela ditlhokong tsa batho.
Tlhahiso ya maikutlo ho komiti ya Palamente ke tsela e nngwe ya ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.
Ka ho etsa tlhahiso ya maikutlo, o na le monyetla wa ho ba le tshusumetso maikutlong a ditho tsa komiti tse buisanang le ho ngangisana ka karolwana e itseng ya molao pele o phethelwa.
Lengolo la tletlebo ke tsela ya ho hlahisa tletlebo kapa taba e ngongorehisang setjhaba hore Palamente e nke mehato ka matla a yona.
Tokelo ya ho tletlebela Palamenteng ke tokelo ya moahi e mong le e mong wa naha mme e fumaneha le Molaotheong.
Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho sefe kapa sefe kapa mokgatlo ba na le tokelo ya ho tletleba Palamenteng.
<fn>Hansards. NorthWestAdvertPamphlets.st.txt</fn>
Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le ne le sa tswa lekola botjha Tjhata ya Dimaene. Tekolobotjha ena e ne e shebane le dintlha tse fapaneng tsa tjhata ho kenyelletswa thuo, phumano le ntshetsopele ya kgwebo, kuno, tekano mosebetsing le ntshetsopele ya tlhokomelo ya basebetsi.
Ho ya ka ditabatabelo tse bohlokwa tsa Palamente tsa ho tsamaisa ho ba le seabo ha setjhaba, Komiti ya Potefolio ho tsa Mehlodi ya Diminerale (Komiti) e tla be e tshwere Dikopano tsa ho Nonya Maikutlo a Setjhaba maelana le diphetho tsa tekolobotjha ya Tjhata ya kgale ya Dimaene le ditlhahiso bakeng sa Tjhata e ntjha ya Dimaene mane Klerksdorp (Anglo Ashanti Holong ya Tjhafo ya 1), Porofensing ya Leboya Bophirimela, ka Labone la 31 Hlakubele 2011. Hantlentle Komiti e ka rata ho kopana, ka ho qolleha, le Dikhamphane tsa Dimaene, basebetsi ba dimaene, mekgatlo ya basebetsi le ditjhaba tse potapotileng dikhamphani tsa dimaene.
Dipatlisiso di ka lebiswa ho Ms Noluthando Skaka kapa Mong.
Dintlha: Mohala (021) 403-3751 selefoune 083 709 8520 kapa 083 966 7720 aterese ya imeile (nsakaka@parliament.gov.za) kapa (vmfuniselwa@parliament.gov.za); Fekse: 086 619 9194.
E ntshitswe ke Mong. MF Gona, Setho sa Parliament: Modulasetulo: Komiti ya Potefolio ho tsa Mehlodi ya Diminerale.
<fn>Hansards. Oversight.2009-12-02.st.txt</fn>
Teko ya nnete ya demokerasi ke ya boholo boo Palamente e ka netefatsang ka bona hore mmuso o dula o ikarabela bathong. Sena se etswa ka tekolo ya tswelopele ya nako tsohle ya diketso tsa mmuso.
Palamente le Dikomiti tsa yona di na le matla a ho bitsa motho kapa institjhushene efe kapa efe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, le ho tla fana ka tlaleho.
Molaotheo o bolela hore Palamente e na le matla a ho etsa tekolo ya tswelopele mafapheng ohle a mmuso, ho kenyelletswa le maemong a mmuso wa diprovensi le wa lehae.
Tekolo ya tswelopele ke eng?
Tekolo ya Tswelopele ke mosebetsi o filweng Palamente ke Molaotheo ho bea leihlo le ho lekola tswelopele diketsong tsa mmuso.
Taolo e phethahetseng ya mafapha a mmuso.
Hobaneng ha seabo sa Palamente sa Tekolo ya Tswelopele se le bohlokwa?
Ka ho lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, Palamente e kgona ho netefatsa hore phumantsho ya ditshebeletso e a etsahala, hore baahi kaofela ba be le bophelo bo botle.
Ho etsa hore ditshebetso tsa mmuso di bonaletse le ho hodisa tshepo ya setjhaba mmusong.
Ntlo ka nngwe e na le seabo sa yona sa tekolo ya tswelopele.
Molaotheo o bolela hore Seboka sa Naha se kgethwa ho emela batho le ho netefatsa puso ka batho tlasa Molaotheo.
boloka tekolo ya tswelopele ho tshebediso ya matla ya mmuso wa naha le ho kenngwa tshebetsong ha molao.
Lekgotla la Naha la Diprovensi le emela diprovensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diprovensi di a hlokomelwa boemong ba mmuso wa naha.
Karolo ya NCOP ke ho sebedisa tekolo ya tswelopele hodima dintlha tsa naha tsa mmuso wa diprovensi le mmuso wa lehae.
NCOP e ka hloka hore setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa Setho sa Komiti ya Phethahatso sa mmuso wa provensi se tle kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti.
Dikomiti tsa Palamente di thehilwe jwalo ka disebediswa tsa Ntlo ho ya ka Molaotheo ho tsamaisa tekolo ya tswelopele le ho bea mmuso leihlo.
Dikomiti tsena ke "diphaposi tsa taolo" tsa tekolo ya tswelopele le mosebetsi wa Palamente wa ho thea melao.
Dikomiti di hlahlobisisa molao, di lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, le ho sebedisana le setjhaba.
E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tsa mosebetsi wa tekolo ya tswelopele ke tlhokomelo ya dikomiti ya ditlaleho tsa selemo le selemo tsa mafapha a Mmuso, le ditlaleho tsa Mohlahlobi-Kakaretso wa ditjhelete.
Ho ya ka morero wa tekolo ya tswelopele, Komiti e ka nna ya kopa tlhalosetso ho tswa lefapheng la mmuso kapa e le etele bakeng sa ho fumana dintlha.
Letona la tsa Ditjhelete le etsa tsebiso ya tjhebelopele ya ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa selemo sa ditjhelete se tlang, mmoho le divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa lefapha ka leng.
Palamente e tlameha ho tjhaella ditekanyetso tsena tsa ditjhelete monwana.
Kamora tlhahiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete, Komiti ka nngwe e ba le dimamelo tsa maikutlo le Lefapha la mmuso le amehang leo e lekolang tswelopele ya lona.
Sena se thusa ho lekola hore na ekaba Lefapha le ntsheditse pele ditshepiso tsa lona tsa ngwahola, le ho sebedisa tjhelete ya balefi ba lekgetho ka tshwanelo.
Ho botsa mmuso Dipotso ke e nngwe ya ditsela tseo ka tsona Palamente e etsang hore mmuso o be le boikarabelo.
Dipotso bakeng sa ho arajwa ka molomo kapa ka lengolo di ka lebiswa ho Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente le Matona dintlheng tseo ba nang le boikarabelo ho tsona.
Nako ya dipotso e fa ditho tsa Palamente monyetla wa ho botsa ditho tsa Mmuso ka dintlha tsa phumantsho ya ditshebeletso, lebitsong la mekgatlo ya tsona ya dipolitiki kapa bakgethi.
Ka ho sebedisa mokgwatsamaiso ona, Ditho tsa Palamente di ka etsa dipolelo ka Ntlong, maelana le taba efe kapa efe.
Ka ho fana ka Tsebiso ya Tshisinyo setho sa mokga ofe kapa ofe wa dipolitiki se ka hlahisa ditaba bakeng sa ho ngangisana ka Palamenteng, e leng moo ba thusang ho ntshetsa pele boikarabelo ba bona ba tekolo ya tswelopele.
Dingangisano tsa kopano ya ditherisano ke tsela e nngwe ya ho tlisa tlhahisoleseding ya bohlokwa ka pela mmuso maelana le mananeo a itseng a mmuso kapa molao o hlokehang ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso.
Mosebetsi wa lebatowa o fa Ditho tsa Palamente monyetla o moholo wa ho etsa tekolo ya tswelopele ka bonngwe.
Mosebetsi wa Mabatowa o thusa tshebedisanommoho ka katamelano mahareng a Ditho tsa Palamente le setjhaba.
Ditho di na le boitlamo ba ho tsebisa Palamente ka taba efe kapa efe e hlwailweng ka nako ya tshebetso tsa tekolo ya tswelopele.
Ho etsa tlhahiso ho Komiti ya Palamente ke e nngwe ya ditsela tsa ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.
Ka ho etsa tlhahiso, o na le monyetla wa ho kenya tshusumetso maikutlong a Ditho tsa Komiti tse buisanang ka molawana wa nakwana o itseng pele o e ba molao.
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho tletleba ho Palamente, jwaloka ha ho dumelletswe Molaotheong.
Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o ka tletleba ho Palamente.
Tletlebo ke kopo ka semmuso ho ba nang le matla a taolo hore ba nke mehato. E ka nka mokgwa wa ho tseka, kopo ya thuso, kapa tokiso ya ngongoreho.
<fn>Hansards. ParliamentGPA.2009-11-11.st.txt</fn>
Sepheo sa tokomane ena ke ho neha bolaodi Kakaretso ya dintlhakgolo tsa tshireletso e fumanehang tlasa Pholisi ya GPA Ya Nomoro FASA/1998-00426 e ngotsweng ke FASA (Balaodi ba Ngollang Khampani Ya Inshorense Ya Hollard Ltd).
Palamente Ya Rephaboliki Ya Aforika Borwa Ela hloko.
Dikuno tse mabapi le Lefu le Ho Holofalla Ruri di tla leshwa hodima dikuno dife kapa dife tse ka leshwang ho tswa mehloding e meng mohl.
Dikuno tsa Kgolofalo E Felletseng Ya Nakwana di tla leshwa feela ho fihlella ditshenyehelo tsa Palamente tse bakilweng ke Kgolofalo Ya Nakwana ya motho ya sireleditsweng.
Dikuno tsa Ditshenyehelo tsa Kalafo di tla lefellwa feela ho lemala ha mmele ho bakilweng ke kotsi.
Ditshenyehelo tsa Kalafo tse bakilweng ke ketsahalo ya ka ntle ho mosebetsi e sireleditsweng ke COID di tlameha ho tsekuwa ho COID. Tshireletso e fumanehang tlasa pholisi ena ya GPA e tla lefa feela "tlatsetso" ha ho na le kgaello. (ELA HLOKO: Kgonahalo ya sena ha e yo hobane COID e lefa Ditshenyehelo tsohle tsa Kalafo tsa kotsi tse etsahalang mosebetsing).
Ditshenyehelo tsa Kalafo tse sa tsekuweng ho COID di tlameha hore ntlheng ya pele di tsekuwe ho pholisi ya GPA.
Ho ipolaya, ho itematsa ka sepheo, ho ipeha kotsing ka sepheo (ntle le ha o leka ho pholosa bophelo).
Lefu kapa Kgolofalo e bakilweng ka ho toba ke kgolofalo e teng mmeleng kapa phokolo ya mmele (ELA HLOKO ka kopo tsebisa Glenrand MÂ·IÂ·B ha o na le basebeletsi ba holofetseng mmeleng hore re tle re leke ho atolosetsa tshireletso ho bona).
Batho ba dilemo di tlasa 16 le tse hodimo ho 75 (empa batho ba bang ba boletsweng ba sireleditswe ho fihlela dilemong tse 85).
Ho fofa ntle le ha o le mopalami sefofaneng.
Lefu kapa kotsi e bakilweng ke hore mosireletsuwa o fumanwe a le tlasa taolo ya tahi kapa dithethefatsi kapa moo bophahamo ba jwala mading bo fetang bo dumelletsweng ka molao.
Dipapadi tsa porofeshenale, ho sebedisa sefofane sa masela kapa polasitiki kapa sefofane sa batho ba babedi.
Lefu kapa kotsi e bakilweng ke ho tlola molao.
Diketsahalo tsohle tse ka lebisang tsekong tlasa pholisi ena di tlameha ho tlalehwa ho Glenrand MÂ·IÂ·B (ka thuso ya Pam Hintsho bakeng sa basebeletsi ba Palamente kapa Linda Harper bakeng sa Ditho tsa Palamente) hang feela ha ho kgonahala empa dikgweding tse tharo ka nako tsohle.
Ditseko tsa lefu di tlameha ho tlalehwa hanghang ntle le tieho e sa hlokeheng.
Ntlheng ya pele dikuno tsohle tsa pholisi ena di tla leshwa Palamente.
Basebeletsi ba latelang ba Glenrand MÂ·IÂ·B ba a fumaneha bakeng sa ho thusa ka dintlha dife kapa dife tse amanang le pholisi ya GPA Ya Palamente.
<fn>Hansards. PetitionsPamphlet.2009-11-11.st.txt</fn>
Ho ba le seabo ha setjhaba ke ntho ya bohlokwa kgolong ya demokerasi ya rona; tsela e le nngwe ya ho netefatsa hore mmuso o ikarabela setjhabeng ka diketso tsa ona. Palamente e hlahisitse tsela tse ngata tsa ho ntshetsa pele ho ba le seabo tsamaisong ya ho thea molao le ho atisa phihlello ho Palamente ya setjhaba. Ho ba le seabo mosebetsing wa Palamente ha se ntho e boima jwalo ka ha ho bonahala. Tsela e nngwe eo setjhaba se ka sebedisang tokelo ya sona ya Molaotheo ke ka mangolo a tletlebo.
Lengolo la tletlebo ke kopo ya semmuso ho ba phahameng ho nka mehato. E ka nka mokgwa wa ho tsekela ho etsetswa melemo e itseng kapa ho arabela ngongoreho. Hore lengolo la tletlebo le fihlelle sepheo, le tshwanetse ho bontsha hore le lebisitswe ho mang, mofuta wa kopo, mmoho le tshusumetso, mme le tshwanetse ho kenyelletsa mabitso le diaterese tsa (mo)batletlebi.
Mangolo a tletlebo a ka hlophiswa ka mefuta e mmedi, e leng mangolo a tletlebo a ikgethileng le mangolo a tletlebo a setjhaba kapa a akaretsang. Lengolo la tletlebo le ikgethileng ke leo e leng hore motho o etsa kopo e itseng kapa a kopa thuso e sa dumellwang ka molao Mmusong, jwalo ka ho fumantshwa penshene. Lengolo la tletlebo la setjhaba ke leo e leng hore sehlopha sa baahi se nang le ditabatabelo tse tshwanang se kopa thuso e akaretsang, mme le ka kenyelletsa tletlebo efe kapa efe.
Ke tokelo ya ditho tsa setjhaba naheng ya demokerasi ho lokisa le ho hlahisa mangolo a tletlebo jwalo ka ha ho hlokeha. Ho ya ka Karolo 17 ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (Molao 108 wa 1996), sehlopha sefe kapa sefe le motho ofe kapa ofe o na le tokelo ya ho ipelaetsa ka kgotso ntle le tshebediso ya dihlomo, ho bokana, ho bontsha tletlebo, ho ema ba phahamisitse ditletlebo tse ngotsweng le ho hlahisa lengolo la dingongoreho. Le ha ho jwalo, ho na le ditsela tse itseng tse tlamehang ho latelwa ke motho le/kapa dihlopha tsamaisong ya mangolo a bona a tletlebo.
Ke Setho sa Palamente(MP) feela se ka hlahisang lengolo la tletlebo semmuso bakeng sa ho tshohlwa ka Palamenteng. Setho sa setjhaba kapa sehlopha sa batho se tlameha ho romela lengolo la tletlebo la bona ho ditho tsa bona tsa Palamente mme ba ba kope ho le hlahisa boemong ba bona ka Palamenteng.
Le saenwe ke batletlebi ka bobona ntle le haeba Sepikara kapa Modulasetulo a nkile qeto esele.
Le bontshe mofuta wa thuso e kotjwang ho Palamente eo Palamente e ka kgonang ho fana ka yona ho ya ka matla a yona.
Hobane lengolo la tletlebo le tlameha ho hlahiswa semmuso Palamenteng, batletlebi ba tlameha ho fumana tshehetso ya Setho sa Palamente.
Ho eletswa hore le bue le Setho sa Palamente pele le kenya lengolo la tletlebo ho tseba hore na ebe o tla le tshehetsa na, le ho netefatsa hore sebopeho le dikahare tsa lengolo la lona la tletlebo di nepahetse.
Haeba ho na le ditokomane tse tshehetsang ditaba tse hlahisitsweng ke batletlebi, di hokelwe tletlebong.
Setho sa Palamente se tla kenya lengolo la tletlebo ho Mongodi wa Palamente ho le lekola hape mme a le tjhaelle monwana bakeng sa sebopeho le dikahare pele a le fetisetsa ho Sepikara kapa Modulasetulo.
Lengolo la tletlebo le tla hlahiswa ka Palamenteng mme le romelwe Dikomiting tse sebetsanang le ditaba tse hlahisitsweng ho lona.
<fn>Hansards. PocketGuide.2010-02-05.st.txt</fn>
Phapang ke efe mahareng a Palamente le Mmuso?
Palamente ke letsoho le etsang melao la mmuso wa Afrika Borwa. Letsoho le leng la mmuso ke Boahlodi kapa mokgwatsamaiso wa makgotla a molao, le fetolelang le ho kenya melao tshebetsong. Mmuso, o eteletsweng pele ke Moifo wa Phethahatso, oo e leng Mopresidente, Motlatsa Mopresidente le Matona a Kabinete, o kenya melao le mananeo tshebetsong.
Seabo se toboketsang sa Palamente, jwaleka letsoho la ketsamelao la mmuso, ke ho fetisa melao le ho etsa bonnete ba hore Moifo wa Phethahatso o ikarabela ho kenya melao eo tshebetsong, e reretsweng phano e kgonang le ho sebetsa hantle ya ditshebeletso ho baahi ba Afrika Borwa.
Palamente ke sebae se bohlokwahadi ho setjhaba sa ho lekola ditaba tsa naha, mohlala, bosenyi kapa kgatello ya moruo. Ke moo melao e metjha e fetiswang mme ya kgale e lokiswe teng. Palamente e lokela hape ho lekola hore mmuso o kenya melao ya naha tshebetsong jwang.
Palamente ya pele ya demokerasi Afrika Borwa, ho tloha ka 1994 ho ya ho 1999, e ne e tobane le tlhokeho ya phetoho ya motheo ya mathomo. Ho latela Molaotheo wa rona o motjha, e ne e tlameha ho thea ditheo tse ntjha tsa sepolotiki le tsamaiso tse nang le melao, mokgwatshebetso, ditsela tse ntjha mme e be le bokgoni ba ho se sebeletse batho bohle ba Afrika Borwa feela empa e ba kenyeletse mosebetsing wa yona. Nako le matla a mangata a ile a sebedisetswa ho lekola le ho fetisa melao e metjha e reretsweng ho kenya Molaotheo le maikemisetso a demokerasi ya rona e ntjha tshebetsong, jwalo ka ha di akareditswe Biling ya Ditokelo.
Nakong ya Palamente ya bobedi ya demokerasi, ho tloha ka 1999 ho ya ho 2004, ho ne ho na le tseko e fokotsehileng ya ho etswa ha molao mme Palamente e ne e kgona ho nehela nako e eketsehileng ho ho beha leihlo hodima Moifo wa Phethahatso - Mopresidente, Motlatsa Mopresidente, Matona a Kabinete le mafapha a mmuso - le ho lekola phano ya ditshebeletso le ho kenngwa tshebetsong ha melao.
Palamente ya boraro ya demokerasi, ho tloha ka 2004 ho ya ho 2009, e ile ya bona setheo sena se eketsa toboketso ya sona hodima ho tebisa seabo sa yona sa tekolo ya tswelopele le ho kgothaletsa ho ba le seabo ha setjhaba mesebetsing ya Palamente.
Palamente ya bone ya demokerasi, e theilweng ka mora dikgetho tsa kakaretso tsa 2009, e hlwaile dibaka tse mmalwa tse ntjha tse lokelang ho elwa hloko.
Tsena di akaretsa ho ntshetsa pele ditsela tsa ho ntlafatsa tekolo ya tswelopele ya Palamente hodima Phethahatso, ho ntshetsa pele seabo sa Palamente sa ho aha setjhaba le ho fumana mekgwa eo Palamente e ka bang setheo se matla le se sebedisanang le batho ka teng. Sena se bolela ho bopa Palamente eo e leng molwanedi wa ditokelo tsa setjhaba, e tsepamisitsweng hodima ntlafatso ya phano ya ditshebeletso ho netefatsa ntshetsopele ya setjhaba le moruo ya Maafrika Borwa ohle. Palamente hape e hlahloba hore e ka hodisa seabo sa yona jwang ka ho phethahala jwalo ka ha e le se seng sa ditheo tsa bohlokwa tsa demokerasi. Seabong sena Palamente ha e netefatse feela hore mmuso o ba le boikarabelo empa hape yona ka boyona e ba le boikarabelo ho Maafrika Borwa wohle ba ho netefatsa hore ditlhoko tsa bona di a hlaloswa le ho fihlelwa.
Molao wa Dibili wa Phetolelo ya Mokgwatshebetso wa Tjhelete le Ditaba tse Tsamaelanang le wona, o fetisitsweng ka 2008, o bea motheo wa Palamente "eo e leng molwanedi wa ditokelo" eo Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, Mong Max Sisulu, a ileng a bua ka yona puong ya hae ya voutu ya bajete ka 2009.
Molao ona o fa Palamente matla a ho etsa ditokiso ho bajete yohle, le ho dibajete tsa mafapha a itseng a mmuso a naha. Pele Molao o fetiswa Palamente e ne e ka dumella kapa ya hana bajete, empa e sa kgone ho etsa ditokiso ho yona. Molao ona o motjha o bea boikarabelo bo boholo hodima Palamente. Boikarabelo bona bo tla qala ho rala botjha sebopeho sa kamano mahareng a Palamente, jwaleka ntlo ya ketsamelao, le Moifo wa Phethahatso, jwaleka mohlokomedi wa phano ya ditshebeletso.
Taba e nngwe e tla hlahlojwa ke seabo sa Palamente ditumellanong tsa matjhaba. Seabo se mafolofolo ho feta mehatong e qalang ya ditumellano tsa matjhaba le seabo sa Palamente ho ntshetseng pele demokerasi di tlameha ho hlahlojwa. Ho tlameha ho nahanwe hore na Palamente e bontsha ka ho hlaka maikemisetso a batho ba Afrika Borwa ditabeng tsa puso tsa matjhaba tse amang maphelo a bona. Ho tlameha ho hlahlojwe hape hore Palamente e lekola tswelopele e sebetsang hantle jwang hodima ho latelwa ha ditumellano tsa matjhaba.
Tumellano ya matjhaba e tlama Rephaboliki ya Afrika Borwa feela ha e qeta ho ananelwa ka tumellano ke Matlo ka bobedi a Palamente. Ditumellano tse sa ameheng ke tsa bothekiniki, tsa tsamaiso kapa phethahatso, kapa tse sa hlokeng ho ananelwa kapa ho amohelwa. Ditumellano tsa mofuta ona di hloka feela ho tekwa ka hara Matlo a mabedi a Palamente nakong e amohelehang.
Kotjana e Ntsho ya Tlotlo ke letshwao la matla a Modulasetulo wa Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi. E jarwa ke Moetapele wa molao, mokolokong wa mokete o ikgethang, ka hara Ntlo bakeng sa ho dula kapa kopano ya semmuso ya Ntlo. E supa seabo se bohlokwa sa diporofensi tshebetsong ya Palamente. Ha e emisitswe e otlolohile pela setulo sa Motsamaisi wa Kopano ya Ntlo, e supa hore Lekgotla la Naha la Diporofensi le tshwere kopano ya semmuso.
Kotjana ena ke letshwao la matla a Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Ho ba teng ha yona ho supa kopano ya semmuso ya Ntlo ya Seboka ya Naha. Kotjana e ntjha ya Tlotlo ya Setjhaba e bopilwe ho bontsha nalane, moetlo, phapano, botjhaba le dipuo tsa Afrika Borwa. Hape e keteka botle ba tlhaho ba naha, bophelo ba dimela le diphoofolo le dirashwa tse ruileng tsa yona.
Folakga ya naha e na le tekanyo e nepahetseng ka botlalo le bakeng sa mmala ka mong. Folakga e tlameha hape ho manehwa ka tsela e itseng palong ya yona. Folakga ka botlalo e sebopeho sa kgutlonne mme bolelele ba yona bo feta bophara ka nngwe le halofo. E mmala o motsho, wa kgauta, o motala, o mosweu, o bofubedu ba tjhilisi le o bolou. E na le lebanta le letala la sebopeho sa -Y le bolelele ba karolo ya bohlano ya bophara ba folakga. Mela e hare ya lebanta e qala dikgutlong tse hodimo le tse tlase tse bapileng le palo ya folakga, e kopana bohareng ba folakga mme e tswelle ho tswa Botjhabela ho ya Bophirima ho ya bohareng ba qophelo e lokolohileng. Lebanta le letala le qophetse, ka hodimo le ka tlase ka bosweu mme ho leba qetellong ya palo ya folakga, ka mmala wa kgauta. Qophelo ka nngwe ke karolo e le nngwe ya tse leshome le metso e mehlano tsa bophara ba folakga. Kgutlotharo e mabapi le palo ya folakga e ntsho. Lebanta le ka hodimo le tswang hodimo ho ya tlase le bofubedu ba tjhilisi mme le ka tlase le tshekalletseng le bolou. Lebanta ka leng ke karolo ya boraro ya bophara ba folakga.
Ho ya ka Molaotheo, e leng wona molao o ka sehloohong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, Palamente e tlameha ho emela batho ba Afrika Borwa, e netefatse mmuso wa batho le ho etsa bonnete hore ditabatabelo tsa porofensi di emetswe mmusong wa naha.
Ditlhoko le ditlamo tsena di phethiswa ke Palamente ka ho fetisa melao, ho lekola tswelopele ya mosebetsi wa mmuso, ho laola seabo sa setjhaba, ho tsamaisa puso ya tshebedisanommoho le ho ba le seabo ditabeng tsa matjhaba.
Palamente hape e na le mosebetsi wa ho kgothaletsa makgabane a tlhompho ya botho, tekatekano, ho se kgethollwe ho ya ka morabe, ho se kgethollwe ho ya ka bong, ho phahama ha Molaotheo le tokelo ya batho bohle ba baholo ya ho vouta le ho kgethelwa kantoro ya setjhaba mokgwatshebetsong wa puso ya mekga e mengata.
Molaotheo hape o hlalosa hore Palamente e sebetsa jwang le hore ditho tsa Palamente di kgethwa jwang.
Ho na le Matlo a mabedi a Palamente - Ntlo ya Seboka ya Naha le Lekgotla la Naha la Diporofensi.
Ntlo ya Seboka ya Naha e kgethwa ho emela batho le ho netefatsa mmuso wa batho. E etsa sena ka ho kgetha Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka ho fana ka foramo boemong ba naha hore setjhaba se lekole ditaba, ka ho fetisa melao le ho lekola tswelopele ya mosebetsi wa mafapha a mmuso.
Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi e emela diporofensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di ananelwa ka hara mmuso wa naha. E etsa sena ka ho ba le seabo tshebetsong ya ho etsa molao boemong ba naha le ho fana ka foramo hore setjhaba se lekole ditaba tse amang diporofensi.
Palamente e etsa mosebetsi wa yona ka dikopano tsa ho dula ha yona, moo ditho tsa Ntlo di kopanang ka sehlopha se le seng, dibokeng tsa kopanelo, moo Matlo ka bobedi a kopanang e le sehlopha se le seng, le dikomiting, moo dihlopha tse nyenyane tsa ditho di kopanang bakeng sa dipuisano ka ho teba.
Mokgwatshebetsong wa jwale wa dikgetho, bakgethi ha ba kgethe Ditho tsa Palamente ka ho toba. Maafrika Borwa a voutela mekga ya dipolotiki e hlodisanang dikgethong tsa kakaretso mme mekga ya dipolotiki e rala manane a bonkgetheng bakeng sa Palamente. Ditho tsa Palamente di kena Palamenteng ha di beilwe hodimo hantle mananeng a radilweng ke mekga ena. Baahi ba Afrika Borwa ba voutela mokga oo ba nahanang hore o ka emela ditabatabelo tsa bona ka ho phethahala.
Mokgwatshebetso wa boemedi ho ya ka divoutu o kgontsha mekga e menyenyane haholo ho fumana ditulo Palamenteng. Ditulong tse 400 ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, mokga o kenang dikgethong tsa kakaretso o fumana setulo se le seng bakeng sa 0.25% ka nngwe e o kgethileng dikgethong tsa kakaretso.
Dikgethong tsa kakaretso tsa Mmesa 2009, mekga ya dipolotiki e 13 e ile ya hapa ditulo ka hara Ntlo ya seboka ya Naha, jwaleka ha ho bontshitswe ka tlase.
Moahlodi e Moholo o laola ho kgethwa ha Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha le ho kgethwa ha Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Kopano ya pele ya Ntlo ya Seboka ya Naha ke kopano ya semmuso ya Ntlo ya Seboka ya Palamente ya Naha, moo Ntlo ena ya Palamente e itlhomang semmuso.
Ditho tse 400 tsa Ntlo ya Seboka ya Naha di tswa mananeng a bonkgetheng a mekga ya dipolotiki e fumaneng divoutu tse lekaneng dikgethong tsa kakaretso tsa Mmesa 2009 hore e ka hapa ditulo ka hara Ntlo ya Seboka ya Palamente ya Naha.
Ditho tse 400 tsa Ntlo ya Seboka ya Naha di nkiswa kano ke Moahlodi e Moholo, ka dihlopha tsa 10. Moahlodi e Moholo ha a qeta o kopa ho thonngwe bonkgetheng bakeng sa setulo sa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe bakeng sa setulo sa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.
Hang hoba sepikara se kgethwe, ho mengwa mabitso a bonkgetheng bakeng sa setulo sa Motlatsa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Sepikara se sa tswa kgethwa se laola dikgetho tsena. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe bakeng sa setulo sa Motlatsa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.
Ha sepikara le Motlatsa Sepikara ba se ba kgethilwe, Moahlodi e Moholo o mema mabitso a bonkgetheng bakeng sa setulo sa Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.
Hang hoba Mopresidente a kgethwe, o emisa ho ba Setho sa Palamente.
Ka morao ho kgetho ya Mopresidente, mekga ya dipolotiki e fuwa monyetla wa ho bua. Morao ho moo Mopresidente o fuwa monyetla wa ho arabela.
Lekgotla la Naha la Diporofensi le na le baemedi ba 90 kaofela, bao 54 e leng baemedi ba tsitsitseng. Baemedi bana ba 54 ba tsitsitseng ba nkiswa kano kopanong ya pele ya Lekgotla la Naha la Diporofensi ka mora dikgetho tsa kakaretso.
Baemedi ba 54 ba tsitsitseng ba botjwa ke baemedi ba tsitsitseng ba tsheletseng ho tswa porofensing ka nngwe ya tse robong.
Moahlodi e moholo wa Afrika Borwa o laola ho nkiswa kano ha baemedi ba tsitsitseng ba Lekgotla la Naha la Diporofensi le ho kgethwa ha Modulasetulo wa Lekgotla.
Modulasetulo ya kgethilweng o laola dikgetho tsa Batlatsa Baduladitulo ba babedi.
Batho ba bohlokwahadi Palamenteng ke ditho tsa Palamente. Empa ho na le letoto la batho ba bang ba tshehetsang mosebetsi wa Ditho.
Palamente e hira basebetsi ba yona ba tshireletso - Ditshebeletso tsa Tshireletso tsa Palamente. Ditho tsa Sepolesa sa Tshireletso sa Afrika Borwa le tsona di teng mabaleng a Palamente.
Ho na le tsamaiso ya basebetsi ba mmuso ba 1 200 ba fanang ka ditshebeletso tse fapaneng - tsa molao, dikgokahano, dipatlisiso, bongodi, bohlophisi, dilojistiki, ho fepa batho, boromuwa le ho hlwekisa, hara tse ding.
Mopresidente le Motlatsa Mopresidente ba na le dikantoro le basebetsi Tuynhuys.
Hape mabaleng a Palamente ho na le ditho tsa Tsamaiso ya Dikgokahano le Tlhahisoleseding ya Mmuso tse sebetsang mmoho le Ditshebeletso tsa Dikgokahano tsa Palamente diketsahalong tse ikgethang tsa Palamente, tse kang Puo ya Pulo ya Palamente, Puo ya Bajete le Setatemente sa Kotara e Bohareng sa Leano la Bajete. Ena ke mekete e hohelang baphatlalatsi ba ditaba haholo mme e hloka tshebedisanommoho mahareng a matsoho a mabedi a Mmuso ho netefatsa tsamaiso ya yona e bontshang bokgoni. Letsatsing la Puo ya Pulo ya Palamente, mohlala, Palamente ka kakaretso e amohela le ho tsamaisa ditho tse ka bang 500 tsa baphatlalatsi mabaleng a yona.
Dikhampani tsohle tse kgolo tsa lapeng le tsa ka ntle tsa bongodi le elektroniki di na le dikantoro ka hara mabala. Sena se etsetsa baphatlalatsi bobebe ba ho bea leihlo le ho tlaleha mosebetsi o etswang ke Palamente.
Palamente e kgothaletsa baphalatsi ho ingodisa Mokgatlong wa Parliamentary Press Gallery mme ba etse kopo ya lengolo la tumello ya ho fuwa dibaka ka hara Palamente. Sena se thusa ho ntlafatsa kutlwisiso ya mosebetsi wa Palamente le boikarabelo ba Palamente ho setjhaba.
Makgotleng a Ntlo ya Seboka ya Naha le Lekgotla la Naha la Diporofensi ka bobedi ho na le dikalari tsa kgatiso tseo baphatlalatsi ba nang le tumello ba di sebedisang ntle le tefo bakeng sa dikopano tsohle - ntle le Puo ya Pulo ya Palamente ha sebaka se sa lekane bamemuwa. Meketeng ena, ho dumellanwa le baphatlalatsi ka mokgwatsamaiso wa phihlello e lekalekanang.
Moaho ona ha se karolo ya mabala a Palamente empa ke karolo ya mokoloko o bang teng ha Mopresidente a fana ka Puo ya Pulo ya Palamente. Slave Lodge ke karolo ya Musiamo wa Iziko wa Motsekapa mme e sebediswa e le sebaka sa sehopotso sa Bokgoba Afrika Borwa. Slave Lodge e ahilwe ka 1679 mme ke moaho wa bobedi wa kgale wa bokoloniale Motsekapa. Mathomong o ne o sebediswa e le bodulo bakeng sa makgoba a Khampani ya Dutch East India. Empa, jwaleka o mong wa meaho e meholo ya mmuso Motsekapa, mengwahakgolong e fetileng o sebediseditswe mabaka a fapaneng, ho akaretsa ho sebediswa jwaleka poso, sepetlele, laeborari ya setjhaba le Lekgotla le Leholo la Dinyewe.
Ho tloha ka 1827 ho ya ho 1833 e ne e le setulo sa Lekgotla la Keletso la Brithane. Ka 1834 Kapa e ile ya fuwa molaotheo o motjha ke Mabrithane, mme makgotla a mabedi a ile a thewa: Lekgotla la Phethahatso le la Ketsamelao. Lekgotla la Ketsamelao le ile la kopanela ka hara Slave Lodge. Setjhaba le baqolotsi ba ditaba ba ile ba dumellwa lekgetlo la pele ho kena dikopanong tsa Lekgotla lena le letjha - nakong e fetileng dikopano tsohle di ne di tshwarelwa sephiring.
Palamente ya pele ya Kapa e nang le makgotla a mabedi e ile ya thewa ka 1853. Lekgotla le letjha la Ketsamelao le nang le ditho tse 15 le ile la sebetsa jwaleka "Ntlo e ka Hodimo" ya pele ya bokoloniale eo ditho tsohle di ileng tsa e kgethelwa. Di ile tsa tswella ho kopanela ka hara phaposi ya direkoto ya moaho ona ho fihlela ka selemo sa 1884 ba kgona ho kena moahong o motjha wa Palamente.
Karolo ya kgale ka ho fetisa ya meaho ya Palamente, eo kajeno Lekgotla la Naha la Diporofensi le leng ka hara yona, e ile ya phethelwa ka 1885. Moralo wa mantlha o ne o etswe ke Charles Freeman. Mathata a fapaneng a ditjhelete le moaho a ile a ba teng mme porojeke e ile ya fuwa botjha akhitheke ya naha ya Scottland, Henry Greaves, ya neng a sa tswa kena Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba. Qetellong moaho o ile wa nka dilemo tse 10 hore o phethelwe, ho tloha ka 1875 ho ya ho 1885, mme ditjeo ya eba Â£220 000 - tse neng di feta ha hlano bajete ya mantlha ya Â£40 000.
Moaho o ne o sebediswa ke Matlo a Mabedi a Palamente ya Kapa ho tloha ka 1885 ho ya ho 1910. E ne e le Lekgotla la Ketsamelao la Kapa (Ntlo e ka Hodimo ho ya ka mokgwatshebetso wa palamente ya Westminster) le Ntlo ya Seboka ya Ketsamelao ya Kapa kapa Ntlo e ka Tlase.
Ha ho ne ho thewa Yuniono ya Afrika Borwa ka selemo sa 1910 Palamente ya Kapa e ile ya fediswa. Lekgotla la Ntlo ya Seboka ya Ketsamelao ya Kapa ya kgale le ile la fetoha Senate, sa Yuniono ya Afrika Borwa pele, ho tloha ka 1910 ho ya ho 1961, mme morao ho moo sa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho fihlela ka 1980, ha Senate se ne se fediswa. Lekgotla le ile la sebediswa hape ho tloha ka 1983 ho ya ho 1994 bakeng sa dikopano tsa Ntlo ya Baemedi, e neng e botjwa ke ditho tse neng di bitswa ka hore ke bammala tseo e neng e le karolo ya Palamente ya matlo a mararo e ileng ya thewa ho latela Molaotheo wa 1983.
Ka 1994 Senate se ile sa thewa hape e le se seng sa Matlo a mabedi a Palamente ya pele ya demokerasi ya Afrika Borwa. Ka 1997, Lekgotla la Naha la Diporofensi le ile la kenela Senate.
Lekgotla le ile la ba le dintlafatso tse kgolo ka 2001, bodulo bo ile ba fetolwa ho tswa ho sebopeho sa kgutlonne ho ya ho sebopeho sa sekele e halofo. Leha ho le jwalo, le ntse le na le mmala wa sethathong wa bofubedu bo tebileng wa ho tloha ha e ne e sa le Ntlo e ka Hodimo ya Palamente ya Kapa e neng e radilwe ka setshwantsho sa Ntlo e ka Hodimo ya Palamente ya Westminster.
Ha ho kopanngwa Afrika Borwa ka 1910, moaho o mong o ile wa eketswa ho wa sethatho wa 1885 mme Lekgotla le letjha le ile la ahelwa Palamente ya Yuniono. Le ile la sebedisetswa morero ona ho fihlela ka 1961 ha Afrika Borwa e fetoha rephaboliki. Ka morao ho mona le ile la sebediswa e le Ntlo ya Seboka ya Rephaboliki ya Afrika Borwa ho fihlela ka 1994. Ho tloha ka 1994 haesale le sebedisetswa dikopano tsa dikomiti le dikopano tsa lekomo tsa Ditho tsa Palamente tsa mokgatlo wa African National Congress. Mekete ya setjhaba, e kang Palamente ya Basadi le Palamente ya Batjha le yona e tshwarelwa mona.
Ka morao ho Kopano ya 1910, lekgotla la bobedi la Palamente ya Kapa ya kgale le ile la fetolwa ho ba kamore ya semmuso ya ho jella ya ditho le bahlomphehi, mme le kajeno ho sa le jwalo. E ne e le ka hara kamore ena ya ho jella ya Ntlo ya Kgale ya Seboka moo eo e neng e le Tonakgolo ya Brithane Harold MacMillan a ileng a fana ka puo ya hae e tummeng ya "Wind of Change" ka 1960.
E beilweng ka bohlale bohareng ba mabala a Palamente ya Afrika Borwa, Kantoro ya eo e neng e le Mokomishinara e Moholo wa Brithane, ke sehopotso sa dikamano tsa bokoloniale le Korone ya Brithane. Baakitheke John Perry le Lightfoot ba ile ba rala moaho ona wa lejwesanta ka 1937 mme ba ile ba hapa kgau ya boakitheke ka lebaka la moralo oo.
Moaho ona o ile wa rekisetswa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba ka 2003. O ile wa rewa botjha lebitso la Africa House mme ha jwale o sebediswa ke Kantoro ya Protokholo ya Palamente le Komiti ya Kopanelo ya tsa Bohlwela.
Ka 1904 rakgwebo e moholo Sammy Marks o ile a laela hore ho ahwe moaho ona hore e tle e be dikantoro tsa hae tsa Motsekapa. Moakitheke e ne e le Mohlomphehi Herbert Baker ya tummeng. Sethathong, e ne e le moaho o mosesane, o bophara ba dikou tse tharo feela, o ileng wa eketswa haholo ha morao.
O ile wa rekisetswa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba dilemo tse mmalwa hoba o qetwe ho ahwa.
Moaho ona o ne o na le lekgotla la ngangisano la Ntlo ya Baemedi (ditho tsa Maindia tsa Palamente ya Matlo a Mararo ya selemo sa 1983) ho fihlela lekgotla la bona le qetwa ho ahwa ka lepheong le letjha ka 1987. Kajeno o sebediswa ke Ditho tsa Palamente tsa mekga ya bohanyetsi, basebetsi le bora-/maditaba ba Koporasi ya Kgaso ya Afrika Borwa.
Moaho wa National Assembly Wing o ahilwe ka 1983. O ne o ahelwa ho fihlela ditlhoko tse eketsehileng tsa Palamente ya Matlo a Mararo, mme le ile la eketswa lehlakoreng le ka borwa la moaho o ntseng o le teng. Le ile la latela mokgwa o tshwanang wa akitheke ya neotlelasiki. Baetapele ba projeke e ne e le baakitheke Jack van der Lecq le Hannes Meiring.
Karolo e ikgethang ya lona ke sebaka se seholo se setjha moo ho tshwarelwang dingangisano teng, se ahetsweng dikopano tsa kopanelo tsa Matlo a mararo a Palamente ya Matlo a Mararo. Kajeno lekgotla lena le sebedisetswa dikopano tsa Ntlo ya Seboka ya Naha. Le sebedisetswa hape dikopano tsa kopanelo tsa Matlo a mabedi, mohlala, Puo ya Mopresidente ya Pulo ya Palamente le dipuo tsa dihlooho tsa dinaha tsa matjhaba.
Ka hodima karolo e kgolo e ntjha ya Lekgotla ho na le lekgotla le lenyenyane, le neng le ahetswe dikopano tsa Ntlo ya Baemedi. Ho latela Molaotheo wa 1983 Ntlo ena e ne e theilwe bakeng sa baemedi ba setjhaba sa Maindia. Lekgotla lena le ile la qetwa ho ahwa ka 1987. Kajeno le tsejwa ka hore ke Phaposi ya Komiti ya E249 mme e sebedisetswa dikopano tsa komiti.
Moaho ona o na le dikamano tsa ho tloha kgale le Palamente. O ne o sebedisetswa dikopano tsa Ntlo ya Seboka ya Kapa ho tloha ka 1854 ho ya ho 1884. Ka morao ho moo o ile wa sebediswa e le holo ya dijo ya moaho wa Good Hope Masonic Lodge ho fihlela o senngwa ke mollo ka 1892. Dilemong tsa 1900, o ile wa ahwa hape e se e le holo ya mmino le thietha mme o tsejwa ka hore ke Thietha ya Good Hope.
Mmuso o ile wa o reka ho mokgatlo wa Freemasons ka 1916 bakeng sa basebetsi ba kantoro ya Mmusisi, ya neng a dula moahong wa Tuynhuys. Bokapele bo botjha ba moaho bo ile ba ahwa ka 1925 ka mokgwa wa Cape Revival. Morao ho moo o ile wa sebediswa e le Kantoro ya Mopresidente le sebaka sa Lekgotla la Mopresidente dilemong tsa 1980s. Ditho tsa Palamente tsa mokga wa Inkatha Freedom Party di ne di dula moo ho tloha ka 1994 ho ya ho 2004. Ho tloha ka nako eo haesale o sebediswa ke Ditho tsa Palamente le basebetsi ba mokga wa African National Congress.
Moaho wa Tuynhuys, o nang le dikantoro tsa Mopresidente, o wela tlasa Kantoro ya Bopresidente mme o laolwa ka boikemelo ke Palamente.
Ho ya ka nalane moaho wa Tuynhuys (kapa Ntlo ya Mmuso jwaleka ha e ne e bitswa ke Mabrithane) o ile wa fana ka mabala ao Palamente e ahilweng ho wona, ka katoloso ka nngwe e nanarelang ntlheng ya borwa ho fihlela e kena ka hara masimo, ho fihlela ka 1988 meaho e fihla moahong wa Tuynhuys. Moaho wa Tuynhuys o ntse o na le nomoro ya setsha e tshwanang le ya Palamente, mme mmoho e ile ya tsebiswa e le dimonumente tsa naha ka 1984.
Sebaka se seholo se bulehileng se mahareng a dikgoro tse kgolo tsa Palamente le bokapele ba moaho wa Tuynhuys se bitswa Stalplein. Lebitso lena le tswa ditaleng tsa dipere tsa Mmusisi. Sethathong sebaka sena e ne e le bokamorao ba moaho, mme kgoro e kgolo e le lehlakoreng la mmila o bitswang Government Avenue le Company's Garden. Sena se ile sa fetoha ka 1913, ha Government Avenue e kwallwa sephethephethe, mme Stalplein ya e ba kgoro e kgolo ya Tuynhuys. Stalplein e ile ya ntshetswa pele hape dilemong tse qalang tsa 1980, ha diphetoho di etswa le ho Tuynhuys ho fana ka sebaka sa Kantoro ya eo e neng e le Mopresidente wa Naha ka nako eo.
Molaotheo o re Palamente e ikarabela ho etsweng ha melao e sebetsang Rephaboliking ka bophara. Letona la Kabinete, Motlatsa Letona, Komiti ya Palamente kapa setho sa Palamente se ka hlahisa molao o radilweng, oo hape o bitswang Bili. Dibili tse hlahisitsweng ke Ditho tsa Palamente ka bonngwe di bitswa Dibili tsa Ditho tsa Poraefete.
Ditho tsa setjhaba di ka se kgone ho hlahisa Dibili Palamenteng. Empa di ka susumetsa Ditho tsa Palamente kapa Dikomiti tsa Palamente ho hlahisa Dibili tseo di nang le maikutlo a hore di bohlokwa.
Dibili di latela motjha le tshebetso e le nngwe ya e mene e fapaneng, ho ya ka hore di sebetsana le eng le hore di hlophisitswe jwang. Ditshebetso tsena di susumetswa ke Dikarolo tsa 74 ho ya ho 77 tsa Molaotheo le melao le diqeto tse fapaneng tse laolang Palamente. Ho ya ka Molaotheo ho na le mefuta e latelang ya Dibili.
Dibili tsa Karolo ya 74 - di sebetsana le ditlhomathiso Molaotheong mme ho hlokeha voutu ya bongata ba pedi-borarong hore di amohelwe.
Dibili tsa Karolo ya 75 - Dibili tsa kamehla tse sa ameng diporofensi.
Dibili tsa Karolo ya 76 - Dibili tse amang diporofensi.
Dibili tsa Karolo ya 77 - Dibili tsa Tjhelete tse amanang le bajete le ho ajwa ha bajete.
Dibili tse amang diporofensi (Dibili tsa Karolo ya 76) di tlameha ho ananelwa pele ke Lekgotla la Naha la Diporofensi pele Ntlo ya Seboka ya Naha e di lekola.
Dibili tse ding kaofela di lokela ho hlahiswa pele ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha.
Hang ha Bili e hlahiswa Palamenteng ka tlwaelo e lebiswa ho Komiti ya Palamente e nang le tekolo ya tswelopele hodima lefapha la mmuso le hlahisitseng bili. Dikomiti tsena di bitswa Dikomiti tsa Potefolio ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha le Dikomiti tsa Tshebetso ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi. Ka hara Ntlo ya Seboka Ya Naha ho na le Komiti ya Potefolio bakeng sa lefapha ka leng la mmuso. Ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi Dikomiti tsa Tshebetso di emela dihlopha tsa mafapha a mmuso.
Hang ha Komiti e lekotse maikutlo a setjhaba ka Bili mme e buisane ka Bili, Komiti e etsa kgothaletso kopanong, kapa kopanong ya kakaretso ya Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Lekgotla la Naha la Diporofensi, hore Bili e ka ananelwa ka ditlhomathiso kapa ntle le ditlhomathiso. Kopano ya Palamente e ka kgutlisetsa Bili morao Komiting bakeng sa tekolo hape.
Ha Palamente e ananela Bili, e romelwa ho Mopresidente. Mopresidente a ka kgutlisetsa Bili morao Palamenteng bakeng sa ho sebetswa hape haeba ha e kgotsofatse dipehelo tsa Molaotheo. Hang ha Mopresidente a saena tumello, Bili e fetoha molao o lokelang ho kena tshebetsong.
Dikomiti ke dienjene tsa Palamente. Di fana ka sebae seo setjhaba se kgonang ho bua mehopolo ya sona ka kotloloho mme se leke ho susumetsa sephetho sa diqeto tsa Palamente.
Ho na le dikomiti tse 52 kaofela Palamenteng - tse 34 di ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, tse 12 di ka hara Lekgotla la Diporofensi la Naha mme tse tsheletseng ke Dikomiti tsa Kopanelo tse nang le Ditho ho tswa ho Matlo ka bobedi. Komiti ya Kopanelo ya tsa Bohlwela, Komiti ya Kopanelo e Hlonngweng e Lekolang Tshireletso ya Naha le Dikomiti tsa Tjhelete le Kabo ya Tjhelete ke dikomiti tsa molao. Sena se bolela hore di hlonngwe ho latela Molaotheo kapa ho ya ka Molao wa Palamente.
Komiti ka nngwe e na le Modulasetulo le Mongodi. Ha motho ofe kapa ofe a batla ho ikgokahanya le komiti, ke bana batho bao a ka buang le bona.
Ho botjwa ha Dikomiti ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, ka kakaretso, ho ya ka boholo ba kemedi ya mekga e fapaneng ya dipolotiki ka hara palamente. Dikomiting tse ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi, porofensi ka nngwe ya tse robong e na le baemedi.
Di lekola tswelopele ya mosebetsi wa mafapha a mmuso a naha mme le ho bona hore a na le boikarabelo.
Di lekola tswelopele ya mekitlane ya mafapha a mmuso a naha le ditheo tsa mmuso.
Di hlokomela ditaba tsa lehae tsa palamente.
Di hlahloba dikarolo tse itseng tsa bophelo ba setjhaba kapa ditaba tseo setjhaba se nang le kgahleho ho tsona.
Di hlahisa Dibili, di di lekole le ho di lokisa.
Di lekola ditshisinyo tsa Ditho tsa poraefete, ditlhahiso tsa makgotla a ketsamelao a diporofensi le mangolo a ditletlebo a ikgethang.
Di lekola ditumellano tsa dinaha tsa matjhaba.
Dikomiti di na le matla a ho bitsa motho mang kapa mang, ho tla fana ka bopaki kapa ho fana ka ditokomane ho tsona. Di ka laela motho kapa setheo sefe kapa sefe ho tlaleha ho tsona mme di ka amohela mangolo a ditletlebo, dikemedi kapa ditlhahiso ho tswa ho setjhaba. Di na le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya ho etsa molao.
Boholo ba Dikomiti bo nyalana le mafapha a mmuso ao Palamente e nang le boikarabelo ba tekolo ya tswelopele le ho etsa melao ho wona.
Leha ho le jwalo, dikomiti tse ding di sebetsa ho tlola lefapha le itseng la mmuso. Mohlala ke Komiti e Lekolang Dikhampani tsa Mmuso e lekolang hore mmuso o laola ditjhelete tsa lekgetho jwang. Komiti e Lekolang Dikhampani tsa Mmuso e na le mosebetsi o ikgethang wa ho etsa bonnete hore tjhelete efe kapa efe e tswang divoutung tsa bajete mme e abetswe mafapha a itseng a mmuso, e sebediswa ka tsela e loketseng.
Palamente hape e thea dikomiti tsa nakwana ho lekola ditaba tse ikgethang tsa nako e kgutshwane.
Mosebetsi wa Dikomiti ha o felle tekolong ya tswelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha melao ke mmuso. Dikomiti di ka batlisisa taba efe kapa efe eo setjhaba se nang le kgahleho ho yona e welang tlasa boikarabelo ba tsona.
Setjhaba se ka etsa dinehelo ditabeng le melaong eo Komiti ya Palamente e ntseng e buisana ka yona mme Dikomiti di batla kaofela di buletswe setjhaba. Dikopano tse ding tsa Dikomiti, tse kang tse sebetsanang le ditaba tsa bohlwela tsa naha, hangata ha di bulelwe setjhaba. Empa ka kakaretso, dikopano tsa Dikomiti di buletswe setjhaba.
Dikomiti ke dihlopha tse ikgethang tse etsang mosebetsi o hlokolotsi ka hara dibaka tse itseng.
Eketsa bongata ba mosebetsi o ka etswang. Ho sebetseha hantle ho feta ha sehlopha se seholo se laela dihlopha tse nyenyane ho etsa mosebetsi ho na le ho leka ho o etsa ka hara sehlopha se seholo.
Etsa bonnete hore ho ka ngangisanwa ka ditaba ka botebo ho feta kamoo ho ka etswang ka hara dikopano. Sena ke hobane Dikomiti di na le nako e fetang ya ho tsepamisa mehopolo ho dintlha.
Eketsa ho ba le seabo sa Ditho tsa Palamente dipuisanong. Ditho tsa sehlopha di kgona ho ba le seabo se tletseng haholo ha sehlopha se le senyenyane.
Ho kgontsha Ditho tsa Palamente ho ntshetsa pele tsebo e ikgethileng mme e tebile ya sebaka sa mosebetsi wa komiti.
Fana ka foramo ho setjhaba sa ho nehelana ka mehopolo ka kotloloho ho Ditho tsa Palamente, e leng ntho e sa kgonahaleng ka hara kopano ya Palamente.
Fana ka foramo ho Palamente ho utlwa bopaki le ho bokella ditokomane tse loketseng mosebetsi wa komiti e itseng.
Dikomiti di tlameha ho tlaleha ho kopano(Ntlo) e ba thontseng mme Ntlo e tlameha ho ananela diqeto tse itseng tse etswang ke dikomiti. Mohlala, hang ha komiti e se e lekotse bili, ho tlameha ho ngangisanwe ka bili eo mme e voutelwe ka hara Ntlo.
Lenane la Dikomiti tse ka hara Ntlo ya Seboka ya Palamente le Lekgotla la Naha la Diporofensi le hore ho ka ikopanngwa le tsona jwang le maqepheng a ho ya ho...
Ho fetisa melao ke o mong feela wa mesebetsi ya palamente.
Palamente hape e na le boikarabelo ba ho etsa hore mmuso - ke ho re Mopresidente le Matona a Kabinete le mafapha a wona - o be le boikarabelo ho lona, setjhaba.
Palamente e etsa sena ka ho lekola tswelopele ya mesebetsi ya mmuso. Sena se akaretsa ho hlahloba hore na melao, mananeo le maano a kenngwa tshebetsong le hore a sebetsa jwang.
Sena se bitswa tekolo ya tswelopele. E nngwe ya ditsela tsa ho etsa tekolo ena ya mosebetsi ke hore Dikomiti di etele dibaka kapa mananeo a itseng ho iphumanela tlhahisoleseding ka se etsahalang. Tsela e nngwe ya ho lekola tswelopele ke ho tshwara dikopano - tse buletsweng setjhaba - moo basebetsi ba mmuso ba ka botswang dipotso ka mosebetsi wa bona.
Palamente e itlamme ho fihlela baahi ka ho thea mananeo a mmalwa a ho ba le seabo ha setjhaba ho reretsweng ho ntlafatsa ho ba le seabo ha baahi tshebetsong ya Palamente.
Dipuisano tsa setjhaba ke se seng sa disebediswa tseo Palamente e di sebedisang ho kgothaletsa le ho tsamaisa seabo sa setjhaba mosebetsing wa yona. Dipuisanong tsa setjhaba, batho ba kgona ho susumetsa sephetho sa ditaba tse tekilweng ka pele ho Palament. Dipuisano tsa setjhaba hape di ntshetsa pele dikamano mahareng a setjhaba le Ditho tsa Palamente.
Setjhaba se ka etsa ditlhahiso ho Palamente tse mabapi le dibili kapa ditokomane tsa leano tseo Palamente e ntseng e di lekola. Dikomiti tsa Palamente di lekola melao ena e radilweng, eo hape e bitswang Dibili. Dikomiti tsena hape di ka batlisisa dintlha dife kapa dife tsa tshebetso ya lefapha la mmuso mme di ka bitsa mosebeletsi ofe kapa ofe wa mmuso kapa Letona lefe kapa lefe la Kabinete ho hlaha ka pele ho tsona bakeng sa ho fana ka tlhahisoleseding.
Palamente, ka kakaretso, e mema diphehiso tsa setjhaba hodima Dibili tseo e ntseng e di lekola. E fana ka ditlhaloso le dikgutsufatso tsa seo Dibili tsena di reretsweng ho se etsa. Palamente hape e hlophisa diketsahalo bakeng sa dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse tobaneng le ditaba tse itseng ho etsa batho hore ba buisane ka ditaba tsa bohlokwa.
Setjhaba hape se ka etsa ditlhahiso hodima ditaba le melao eo Dikomiti tsa Palamente di ntseng di buisana ka yona mme boholo ba dikopano tsa Dikomiti di buletswe setjhaba. Moetlo wa hore dikopano tsa dikomiti tsa palamente di tshwarelwe sephiring o fedile ka dikgetho tsa pele tsa demokerasi tsa Afrika Borwa ka 1994.
Karolo e nngwe ya qalo ya ho ba le seabo ha setjhaba Palamenteng ke letsholo la seyalemoya le ntlafatsang kutlwisiso ya setjhaba ya mosebetsi wa setheo sena le ho leka ho se kgothaletsa ho ba le seabo mosebetsing wa Palamente. Lenaneo le phatlalatswa diteisheneng tse 18 tsa SABC ka dipuo tsohle tsa semmuso.
Boikgathatsong bo bong ba ho fihlela bokgoni ba ho buisana le setjhaba ka kotloloho, Palamente e theile Dikantoro tsa Demokerasi tsa Palamente Diporofensing tse tharo - Limpopo, Leboya Bophirima le Kapa Leboya.
Dikantoro tsa Demokerasi tsa Palamente di reretswe ho atolosa phihlello, monyetla le sebaka sa Palamente, hore e tswele pele ho buisana le setjhaba. Dikomiti tsa Demokerasi tsa Palamente di reretswe ho fana ka sebaka sa dipuisano ho fumana mehopolo ya batho hodima ditaba tsa bohlokwa tsa naha, leano le leholo kapa melao e radilweng mme ya tekwa ka pela Palamente. Projeke ena ha jwale e kentswe tekong Limpopo, Leboya Bophirima le Kapa Leboya mme e tla atolosetswa diporofensing kaofela tse robong ha morao.
Tlhahiso ke tsela ya ho etsa lentswe la hao le utlwahale ha ho buisanwa ka Bili Palamenteng. E nea baahi monyetla wa ho fetola mehopolo ya Ditho tsa Palamente pele Bili e fetoha molao.
E ka ba lengolo le bonolo la tshehetso kapa kganyetso. E ka ba hape tokomane e teletsana kapa tlhahiso e nang le dikgothaletso tsa ho fetolwa ha Bili kapa leano.
Dikomiti di amohela ditlhahiso tse ngata mme tlhahiso e kgutshwane mme e tobile ntlha e tla etsa mosebetsi wa tsona bobebe.
Ha tokomane ya hao e le telele, kenya kgutsufatso ya dintlhakgolo le dikgothaletso.
Haeba o etsa tlhahiso o le mong, hlalosa hore hobaneng o batla ho tshwaela hodima molao o radilweng. Bolela haeba o na le kwetliso kapa boiphihlelo bo nyalanang le taba eo.
Haeba le etsa tlhahiso le le mokgatlo, hlalosa mokgatlo ka bokgutshwane. Ke bomang ditho tsa wona Hobaneng ha ba tshwenyehile ke taba ena Na mokgatlo o na le boiphihlelo bo ikgethileng tabeng e ntseng e tshohlwa?
Palamente, jwaleka moemedi wa batho, e kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsohle tsa semmuso mme e lakatsa ha baahi bohle ba ka lokoloha ho ba le seabo mosebetsing wa setheo sena ka puo ya kgetho ya bona.
Baahi ba tlisa ditlhahiso tsa bona tse ngotsweng ka seqo, ba di posa kapa ba di romela ka emeile kapa fekese.
Setjhaba se ka kenela dikopano tsa Dikomiti tsa Palamente le dikopano tsa Palamente.
Aterese ya websaete ke http://www.parliament.gov.
Batla hore ke sefe se etsahalang Palamenteng. Sena se akaretsa tlhahisoleseding ya hore ke Dikomiti dife tse kopanang le hore di buisana ka eng, ke taba efe eo Matlo a Palamente a ntseng a e lekola.
Hlophisa ho etela Palamente.
Mamela dingangisano le dipolelo tse kgethilweng ka kotloloho ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Lekgotla la Diporofensi la Naha. Kgafetsa ho ba le kgaso e otlolohileng ya Puo ya Pulo ya Palamente, Puo ya Bajete le Setatemente sa Kotara a Bohareng sa Leano la Bajete. Empa hape ho na le dingangisano tse ding tse kgethilweng tse haswang ka kotloloho.
Batla dintlha tsa kgokahano tsa Ditho tsa Palamente le tsa Dikomiti tsa Palamente.
Batla hore na ke Ditho dife tsa Palamente tse Dikomiting dife tsa Palamente.
Bala ka ditaba tse phatlaletseng tse ka o kgahlang tse amanang le Palamente.
Ketelo ya Palamente ha e lefellwe mme e etsahala hara beke ho tloha ka 9.00 ho ya ho 12.00, ntle le matsatsing a phomolo. Ha ho maeto a dumellwang matsatsing a phomolo. Maeto a nka hora feela.
Tsena di fumanwa diteisheneng tsohle tsa seyalemoya tsa SABC, hang ka beke.
Palamente ya pele ya demokerasi e ile ya supa boitshwaro bo botle e le ntlha e ka sehloohong. Ke kahoo, ka Motsheanong 1996, hara tshebetso ya ho etsa molaotheo, Palamente e ileng ya amohela Melawana ya Boitshwaro ba Ditho tsa Palamente.
Palamente e ntjha e ne e batla ho fana ka ditataiso tse mabapi le tsela eo Ditho tsa Palamente di tlamehang ho tsamaisa mesebetsi ya tsona ya poraefete ka teng. E ne e batla hape ho thea mekgwa ya ho sebetsana le dikgohlano mahareng a dikgahleho le ho netefatsa hore Ditho tsa Palamente ha di behe mosebetsi wa tsona wa ditjhelete tsa poraefete ka hodima mesebetsi ya setjhaba.
Melawana ena e hlalosa hore Ditho tsa Palamente di tlameha ho pepesa ditjhelete tsa tsona tsa poraefete mme e fana ka ditataiso tsa ho ikgulela morao ha Ditho tsa Palamente ha ho na le kgohlano ya dikgahleho. E susumetsa Ditho tsa Palamente ho fumana tumello ho tswa mekgeng ya tsona ya dipolotiki bakeng sa ho etsa mesebetsi e ka ntle. Ha e dumelle ho susumetsa bakeng sa tefo. Ditho tsa Palamente di ka susumetsa bakeng sa mabatowa a tsona empa di ka se lefellwe sena.
Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle le Mesebetsi ya Poraefete e ikarabela ho kenya Melawana ya Boitshwaro tshebetsong.
tjhelete ya penshene.
Ditho tsa Palamente di tlameha ho pepesa ditjhelete tsohle tsa tsona tsa poraefete rejisetareng eo Palamente e e phatlalatsang hang ka selemo.
Ditjhelete tsa balekane ba Ditho tsa Palamente le bana ba bona ba dilemo di tlase di pepeswa karolong ya lekunutu ya Rejisetara ya Ditjhelete tsa Poraefete.
Ho pepesa ha balekane ke lekunutu hobane batho bana ba ke ke ba qobellwa ho pepesa rejisetareng ya setjhaba. Leha ho le jwalo, ena ke taba eo Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle ba Ditho e e supileng bakeng sa ngangisano e tswelang pele.
Ditefello ho Ditho tsa Palamente bakeng sa phapanyetso ya ditjhelete ya dikgwebo tsa bona tsa poraefete di bolelwa karolong ya sephiri ya rejistara.
Ditefello ho Ditho tsa Palamente bakeng sa mekgatlo ya dikhonsaletente di tlamehile ho hlahiswa pepeneneng - ho thibela ho fumana moputso tlasa mabaka a boikaketsi ba mekgatlo ya dikhonsaletente.
Tlasa mabaka a dikgohlano tsa ditabatabelo, Ditho tsa Palamente di tlameha ho hlahisa kgohlano eo mme di ikgule - ntle le haeba foramo eo ba enang le seabo ho yona e nka qeto ya hore kgohlano eo ha se ya bohlokwa.
Mokgwa wa Palamente wa tlhahiso o theilwe hodima kakanyo ya hore Ditho tsa Palamente di ka ba le dikgwebo ha feela di hlahisitswe pepeneneng mme di sa bake kgohlano ya ditabatabelo le karolo e bapalwang ke Ditho tsa Palamente jwalo ka baemedi ba setjhaba.
Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta Mohlahlobi Kakaretso wa DitjheIete o lekotse botjha tlhahiso ya dikhampani pepeneneng ya Ditho tsa Palamente ho etsa bonnete ba hore tlhahiso ya bolaodi ba dikhamphani e feela e nepahetse.
Hara Ditho tsa Palamente tse 454, tse robong di ile tsa fumanwa di sa tsamaisana le maemo ana. Bongata ba mabaka a ho se hlahise pepeneneng hona bo ne bo le maelana le dikhamphani tse sa sebetseng.
Ditho tsa setjhaba di ka kenya ditletlebo Kantorong ya Morejistara wa Ditabatabelo tsa Ditho haeba ba nahana hore Ditho tsa Palamente ha di a hlahisa dikgwebo tsa tsona ka botlalo.
Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle le Ditabatabelo tsa Ditho e na le boikarabelo ba ho kenya tshebetsong Khoutu ya Boitshwaro ebile e sebetsana le ditletlebo tsohle tse kentsweng. Diphumano tsa Komiti di tsebahatswa setjhabeng.
Haeba Komiti e fumana Setho sa Palamente se le molato, e ka fana ka kgalemo kapa tefiso. Kotlo e boima haholo eo ho ka fanwang ka yona e lekana le 50% ya moputso wa kgwedi le kgwedi wa Setho sa Palamente.
Komiti ha e amohele ditletlebo tsa sephiring, ntle le haeba ho na le bopaki.
Komiti e tla sireletsa boitsebiso ba motletlebi, haeba hona ho hlokeha.
Tlhahiso pepeneng ya setjhabeng ya dikgwebo tsa Ditho tsa Palamente e phethahatsa ditlhoko tsa Molaotheo tsa ho nka diqeto pepeneneng le ka ponaletso. Hape ke tsela ya ho etsa hore Ditho tsa Palamente di be le boikarabelo. Re kgothalletsa batho ho sebedisa mekgwa ena ya boikarabelo ho netefatsa hore Palamente e emela ditabatabelo tsa batho ba Afrika Borwa.
Komiti ya Boitshwaro bo Botle le Ditabatabelo tsa Ditho e entse qeto ya hore Khoutu ena e tshwanetse ho matlafatswa mme e entse tlhahiso ya tekolobotjha ya dintlha tse mmalwa, ho kenyelletswa le tse lenaneng lena.
Ho thea boemo ba phello bo ka hodimo ba boleng ba dimpho tseo Ditho tsa Palamente di ka di amohelang.
Ho sebetsana le khoutu ya boitshwaro bo botle ka botlalo e nang le ditataiso tse hlakileng bakeng sa ho rarolla dikgohlano tsa ditabatabelo.
Hore na ekaba dikotlo di tshwanetse ho lekolwa botjha, haholo bakeng sa boitshwaro ba manyofonyofo.
Hore na ekaba baemedi ba setjhaba le balekane ba bona ba tshwanetse ho dumellwa ho thendara bakeng sa dikgwebo tsa mmuso.
Melao e itseng ya ho sebetsana le dikgohlano tsa ditabatabelo.
Hore na ekaba ho tshwanetse hore ho be le melao ya ho thibela tshebediso ya tlhahisoleseding la sephiring bakeng sa ho iphumanela molemo.
Ho theha melao ya ho thibela tshebediso e sa lokang ya tshusumetso bakeng sa ho iphumanela mouno wa tjhelete.
Komiti e ikemiseditse ho batla ditlhahiso tsa setjhaba ditabeng tsena tsa bohlokwa.
Ditho tsa setjhaba tse nang le tumelo ya hore Ditho tsa Palamente ha di a hlahisa dikgwebo tsa tsona kaofela di ka romela ditletlebo tsa tsona Kantorong ya Morejistara wa Ditabatabelo tsa Ditho.
Fekse: 021-461 0090.
Puo ya Pulo ya Palamente ke ketsahalo e kgolo haholo khalendareng ya tsa dipolitiki mme Palamente e tshwara ketsahalo ena selemo se seng le se seng.
Selemong sa dikgetho tsa bohle, ho ba le dipuo tsa pulo ya palamente tse pedi, ya pele e ba pele ho dikgetho tsa bohle mme e nngwe kamora dikgetho.
Puo ya Pulo ya Palamente ke puo ya Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho kopano ya Dintlo tsa Palamente ka bobedi - Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi. Puong ena, Mopresidente o bolela dintlha tse ka sehlohlolong tsa ditshebetso tsa mmuso selemong se fetileng le ho hlalosa dintho tse sehlohlolong bakeng sa selemo se tlang. Moketeng ona, Mopresidente o bua le setjhaba jwalo ka Hlooho ya Setjhaba, eseng jwalo ka hlooho ya Mmuso.
Ke mokete o tlwaelehileng wa selemo le selemo ka Hlakola moo Moifo wa Phethahatso, Lekgotla la Molao le la Ketsamelao di bapalang karolo ya tsona ya Molaotheo pontsheng ya naha yohle. Puo ya Pulo ya Palamente e tshwarwa habedi ka selemo seo ho tshwarwang dikgetho tsa bohle.
Ha ho fihla demokrasi ka 1994, ha menyako ya Palamente e bulelwa MaAfrika Borwa ohle, mokete wa Puo ya Pulo ya Palamente e ile ya eba mokete wa setjhaba sa rona, mme ho nka seabo ha setjhaba ha eketsa diketsahalo tsa ho keteka tsa tse etswang ke Setjhaba.
Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela o ile a kenya karolo ya ho ba le seabo ha setjhaba moketeng ona. Ho nka seabo ha setjhaba ho bohlokwa hobane Palamente e ikitlaetsa ho etsa hore institjhushine ena e fihlellehe bathong mme e kgothalletsa ho ba le seabo ha setjhaba mebetsing ya yona.
Karolo ya pele ya mokoloko wa mokete ho tloha Slave Lodge ho ya dihekeng tsa Palamente e kenyelletsa mela ya tlhompo ka sesole.
Seroki le sona se amohela Mopresidente.
Ho tloha hekeng ho ya mabaleng a Palamente, Tlhompho ya Bana ba Banyenyane e etsa mola o lebang moahong wa Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Tlhompho ya Setjhaba le Batho ba Hlomphehileng le bona ba etsa mola kamora mona, o lebang qetellong ya moaho wa Old Assembly.
Batho ba thabisang le bona ba etsa menyakwe dibakeng tse fapaneng tsa moo setjhaba se emeng teng.
Ho tloha ditepising tsa moaho wa Seboka sa Naha, mokete o boela o eba wa semmuso hape.
Tlhompho ya Sesole ya Mokete e ema kapela moaho wa Seboka sa Naha mme bente ya sesole e bapala pina ya setjhaba. Ho etswa tumediso ya ho kgabola ha dithunya makgetlo a 21 mme difofane tsa Sesole sa Moyeng di a feta ha Mopresidente a etsa tumediso ya setjhaba.
Puo ya Pulo ya Palamente e latelang dikgetho tsa bohle e na le bohlokwa bo ikgethang hobane ke Puo ya Pulo ya Palamente ya Mopresidente ya sa tswa kgethwa botjha ho kopano ya Palamente e sa tswa thehwa botjha.
Puo ya Pulo ya Palamente e bitswa ke Mopresidente, ka Sepikara sa Seboka sa Naha le Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofensi, ha Mopresidente a ba ngolla ho kopa kopano ya matlo a mabedi a Palamente.
Ke e nngwe ya diketsahalo tse sa tlwaelehang moo makala a mararo a mmuso - Lekgotla la Phethahatso, la Molao le la Ketsamelao - a kopanang mmoho tulong e le nngwe.
Ho tloha ka 1994, Dipuo tsa Pulo ya Palamente e bile mekete e meholo e kenyelletsang phelehetso ya sepolesa sa dipere le phelehetso ya makoloi a sesole, mola o etswang ke Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) tseleng ya Mopresidente e lebang Palamenteng, tumediso ya setjhaba ke Tlhompho ya Mokete ya SANDF, bente ya sesole, difofane tse fetang tsa Sesole sa Moyeng sa Afrika Borwa le tumediso ya ho kgabola ha dithunya makgetlo a 21.
Diketsahalo ka letsatsi la Puo ya Pulo ya Palamente di latela mokgwa o ka tlase mona.
Ditho tsa Lekgotla la Molao, Dipikara tsa Diketsamelao tsa Diprofensi, Matona a Diprofensi le Baemedi ba Matjhaba ba fihla hekeng ya Company Gardens e lebang moahong wa Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Baeti le ditho tsa Kabinete di qala ho fihla.
Tlhompo ya Bana ba Banyenyane le ya Setjhaba le Batho ba Hlomphehang ba nka tulo tsa bona ka mahlakorengf a mabedi a khapete e kgubedu tseleng ya Parliament Street ho tloha hekeng ho ya mabaleng a Palamente.
Seroki se nka tulo ya sona Slave Lodge ho amohela Mopresidente. Hamorao Seroki sena se etsa hona hape monyakong wa National Assembly Naha ha Mopresidente a kena ka hara Ntlo.
Dipresidente tsa mehleng, Batlatsi ba Mopresidente ba mehleng, Badulasetulo ba mehleng le Baahlodi ba Molao ba mehleng ba fihla monyakong wa moaho wa National Assembly.
Mokoloko wa Matona, Dipikara tsa Diketsamelao tsa Diprofensi, Lekgotla la Molao, Badulasetulo ba Palamente, Motlatsa Mopresidente le Mopresidente ba kena ka moahong wa National Assembly.
Mopresidente o etsa tumediso ya setjhaba phodiyamong ka ntle ho moaho wa National Assembly.
Mopresidente o fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha.
Badulasetulo ba Palamente ba kwala kopano ya Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Mopresidente, Motlatsa Mopresidente le Badulasetulo ba Palamente ba tswa pele ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha bakeng sa setshwantsho sa semmuso.
Baeti le Ditho tsa Palamente ba tswa ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha.
Sena ke ha Letona la tsa Ditjhelete le hlalosetsa Palamente kamoo ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa selemo di tla bang ka teng le ka moo di tla abelwang mafapha a fapaneng a mmuso le di-institjhushini ka teng. Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete e tlwaetse ho ba ka Hlakola, kamora Puo ya Pulo ya Palamente.
Hangata sena se tshwarwa ka Mphalane selemo ka seng mme se fa Letona la tsa Ditjhelete monyetla wa ho etsa ditokiso tsa ditekanyetso tsa ditjhelete, tseo ho ileng ha bolelwa ka tsona ka Hlakola wa sona selemo seo, haeba ho na le maemo a entseng hore ditokiso tseo di hlokehe.
Setatemente sa Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete sa Kotara e Bohareng se fana ka maemo a jwale a tjhebelopele ya ditjhelete, tshebediso ya tjhelete le kadimo ya tjhelete bakeng sa selemo se hodimo sa ditjhelete. Se bontsha kutlwisiso e tshwanang ya Kabinete ya diphephetso tsa moruo le tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tse ka pele selemong.
Setatemente sa Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete sa Kotara e Bohareng se na le tulo e ikgethang lenaneong la Palamenteng, hobane se thusa boramolao le setjhaba, kgwebo le baetapele ba mekgatlo e thusang setjhaba, basebetsi le baahi ho shebana le maikemisetso a mmuso dikgwedi tse mmalwa pele ho Ditekanyetso tsa Ditjhelete ka seqo.
<fn>Hansards. ProvincialWeek.2009-11-11.st.txt</fn>
Molaotheo wa Afrika Borwa o neha Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi (NCOP) matla a ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso. Sena se fihlelwa ka ho ba le seabo tshebetsong ya lekgotla la naha la ketsamolao le ho fana ka sebaka boemong ba naha sa hore setjhaba se nahane ditaba tse amang diporofensi.
Seabo sa mantlha sa NCOP ke ho buisana, ho fetisa molao le ho lekola (bea leihlo) tswelopele ya tshebetso ya mmuso.
NCOP e emela diporofensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso.
Seabo sa NCOP ke tekolo ya tswelopele ya dintlha tsa naha tsa diporofensi le mmuso wa lehae.
Ke eng Beke ya Porofensi ya NCOP?
NCOP e qadile Beke ya Porofensi ho netefatsa hore diporofensi di ba le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya Palamente ya naha.
Bekeng ena baemedi ba porofensi ho NCOP le bomphato ba bona ba diporofensi ba etela setjhaba ho lekola tswelopele ho netefatsa hore ba fumana tlhahisoleseding ka ho toba e mabapi le ditlhoko le diphephetso tsa batho.
Beke ya Porofensi e kenya tshebetsong pehelo ya Molaotheo, e tlamang NCOP ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso.
Beke ya Porofensi e netefatsa hore baemedi ba porofensi ho NCOP ba hlokomela dintshetsopele, le diphephetso tseo diporofensi tsa bona di tobaneng le tsona.
E nea baemedi monyetla wa ho amana le diporofensi mme ba tlalehe tshebetso ya bona ka hara NCOP ka sepheo sa ho newa matlataelo a matjha ditabeng tse lokelang ho kenngwa lenanetsamaisong la naha.
Beke ya Porofensi e fana ka sebaka sa ho fapanyetsana le ho arolelana mehopolo ka ditaba tsa phano ya ditshebeletso, le diphephetso tseo diporofensi di tobaneng le tsona ha di phetha seabo sa tsona.
Hodima moo e nea Palamente le diporofensi monyetla wa ho sebetsa mmoho ho batla ditharollo le ho fumana ditsela tse ntjha tsa ho fihlela ditlhoko tsa baahi ba Afrika Borwa.
Ho tla etsahala eng Bekeng ya Porofensi?
Ba bang ba amehang; ba kang baetapele ba setso, diNGO, diCBO, le Lekgotla la Mmuso wa Selehae la Afrika Borwa (SALGA).
Baemedi ba Diporofensi ho NCOP, le bomphato ba bona ba diporofensi, ba tla kena maetong a tekolo ya tswelopele setjhabeng.
Boemedi bo tla etela diporojeke tse phethahatswang ke mmuso wa naha le wa porofensi ka bobedi diporofensing tsa bona.
Beke ya Porofensi e tla tswela porofensi ya lona molemo jwang?
Ka maeto a tekolo ya tswelopele a Beke ya Porofensi, baemedi ba porofensi ho NCOP ba tla fumana tlhahisoleseding ka ho toba e mabapi le ditlhoko tsa batho diporofensing.
Beke ya Porofensi e thusa NCOP ho nehela ho mmuso o sebetsang ka ho netefatsa hore dingongoreho tsa porofensi le selehae di a lemohuwa ha ho etswa maano boemong ba naha.
Hodima moo e thusa mebuso ya porofensi, selehae, le naha ho sebetsa mmoho ka tsela e sebetsang hantle le e kgonang ho netefatsa phano ya ditshebeletso e hantle.
<fn>Hansards. ServiceDelivery.2010-02-19.st.txt</fn>
Ntlo ya Seboka ya Naha e theile Komiti ya Nakwana ho tsamaisa tekolo ya mosebetsi e hokahaneng ya phano ya ditshebeletso tlasa sehlooho sa "Ho sebetsa mmoho ho netefatsa phano e nang le boleng ya ditshebeletso ho setjhaba". Matla a Komiti e tla ba ho batlisisa ka tswelopele ya phano ya ditshebeletso le hore ke dife diphephetso, moo ho bileng le boipelaetso, e le hore e tle e fane ka tlaleho e nang le dikgothaletso tse qaqileng, tse fihlellehang le moralo wa tshebetso ho Ntlo ya Seboka ya Naha.
Bakeng sa morero ona, Komiti e tla ba le maeto a hokahaneng ho ya dibakeng tsa mahae le tsa ditoropo mme e tshware dipuisano tsa setjhaba Palamenteng le ka hara diprovense. Dipuisano tsa setjhaba di tla tswarwa Palamenteng ho tloha ka la 2- 4 Hlakola 2010.
Nakong ya ketelo ya yona diprovenseng, Komoti e tla lekola dibaka mme e kopane le setjhaba, basebeletsi ba mmuso wa lehae, basebeletsi ba Mafapha a Mmuso a Provense, dikomiti tsa lehae, mekgatlo ya setjhaba le batsamaisi ba dikgwebo.
Holo ya O.R.
E susumetswa ke batho!
Etela Websaete ya Palamente ya rona: www.parliament.gov.
Mohala: +2721 403 2911 Fekese: +2721 403 3784, P.O.
<fn>Hansards. SesothoFlyerDoc.2010-06-10.st.txt</fn>
Seboka sa Naha se theile Komiti ya Tshohanyetso ho etsa tekolo e hokahaneng ya phano ya ditshebeletso ka mokotaba ona " Ho sebetsa hammoho ho netefatsa phano ya ditshebeletso tsa boleng setjhabeng". Taelo ya Komiti ke ho fumana lesedi ka tswelopele mabapi le phano ya ditshebeletso le mehato e nkuweng moo ho bileng teng mehwanto, le hore ke diphephetso dife tse teng, hore ho kgonwe ho tekwa tlaleho e hlakileng, ditlhahiso tse fihlellehang le moralo wa tshebetso o sisintsweng.
Ho fihlela mothating ona, Komiti e nkile maeto a hokahaneng ho ya dibakeng tsa mahaeng le tsa ditoropong, le ho nonya maikutlo a setjhaba Palamenteng le diprofenseng. Nonyo ya maikutlo a setjhaba Palamenteng e etsahetse mohla la 2 - 4 Hlakola 2010.
Nakong ya ketelo diprofenseng, Komiti e tla hlahloba ditsha e be e kopane le setjhaba, bahlanka ba mmuso wa dibaka, bahlanka ba lefapha la mmuso wa diprofense, dikomiti tsa mabatowa, mekgatlo ya baahi le bahwebi. Nonyo ena ya maikutlo e tla ba mohla la 17- 21 Motsheanong 2010 diprofenseng tse tharo.
<fn>Hansards. Sona.2009-04.st.txt</fn>
Mme Spikara wa Seboka sa Naha; Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense; Mme Motlatsa Mopresidente; Motlatsa Spikara le Motlatsa Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense; Moahlodi e Moholo Langa; Motlatsa Mopresidente wa mehleng wa Rephaboliki ya Afrika Borwa le Mopresidente wa ANC; Ditonakgolo tsa diprofense; ditho tsa Kabinete le Dipikara tsa makgotla a ketsamelao a diprofense; Moahlodi e moholo wa mehleng le Bahlanka ba Baholo ba Palamente; Bahlomphehi, Manqosa le Bakomishinara ba Baholo le baeti ba kgabane ba matjhaba; baetapele ba kgabane ba mekga ya dipolitiki le Ditho tsa Palamente, Baetapele ba Setso; Mohlomphehi, Majoro wa Motsetoropo wa Motse Kapa; baetapele ba bodumedi le baemedi ba mekgatlo ya setjhaba; bomphato le metswalle; baeti ba kgethehileng, ke motlotlo ho fana ka puo ya Seboka sa Kopanelo sa Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa, tshimolohong ya mokgahlelo wa ho qetela wa Palamente ya Boraro ya Demokrasi ya rona.
Ke ema kapele ho batho ba Afrika Borwa ka boikokobetso ka monyetla oo ke bileng le ona wa ho dula setulo se hodimodimo naheng ka baka la diketsahalo tse kgethehileng tse hlahileng ha mokgatlo o etelletseng mmuso pele o nka qeto ya ho tlosa Mopresidente wa mehleng setulong.
Mosebetsi wa ka ke boikarabelo, nakong ya dikgwedi tse mmalwanyana, ba ho etella pele Lekgotla la Phethahatso la naha ho phethela matlataelo a filweng African National Congress dikgethong tsa 2004, le ho rala motheo bakeng sa tsamaiso kamora dikgetho.
Hore re ile ra kgona ho fetisetsa puso ho baetellipele ba bang kgweding tse hlano tse fetileng ntle le mathata tsamaisong ya mmuso ke sesupo sa matla a molaotheo wa rona, se bonahetseng, ka nqa e nngwe, ka tshebedisanommoho ya ditho tsa Lekgotla la Phethahatso, tsa kgale le tse ntjha, le tsamaiso e tsitsitseng ya baokamedi ba basebetsi ba mmuso.
Ha re sheba morao lemong tse 15 tse fetileng, ke rata ho leboha boitelo le tshebetso e matla ya Bapresidente Nelson Mandela le Thabo Mbeki le bomme le bontate ba bangata ba bileng le seabo tsamaisong ya seketswana sena sa mmuso tlasa maemo a demokrasi: Lekgotleng la Phethahatso le tsamaisong, makgotleng a ketsamelao makaleng a mararo a mmuso le boahlodi, tse susumetswang ke tjantjello ya ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba MaAfrika Borwa.
Hodima dintho tsohle, ke ema ka pela lona ka boikgantsho le boitshepo ka hore Afrika Borwa eo re e ketekang kajeno - hole le dikarohano, dikgohlano le ho qhelelwa ka thoko ha dilemo tse 15 feela tse fetileng - ke sephetho sa tshebetso ya bomme le bontate ho tswa mahlakoreng ohle a bophelo. MaAfrika Borwa ana a emetse tshepo le mamello tseo e leng makgetha a setjhaba sa rona.
Hara serukgu sa MaAfrika Borwa a ipabotseng ho na le ditho tsa Palamente ya rona ya demokrasi tseo re bileng le bomadimabe ba hore di ye boyabatho ho tloha ngwahola ka Hlakola. Bona e bile Brian Bunting, Billy Nair, Ncumisa Kondlo, John Gomomo, Joe Nhlanhla, Cas Salojee, John Schippers le Jan van Eck.
Ho bona, ke rata ho eketsa Mof. Helen Suzman, MoAfrika Borwa ya kgethehileng, ya ileng a emela meetlo ya Palamente ya rona e ntjha Palamenteng ya kgale.
Ke bona bana esita le baintshasehlabelo ba bang ba tlamehileng ho fumana tlotlo e kgolo ha re bolela re re, le ha naha ya rona e ka aparelwa ke mathata afe kapa afe a moruo, le ha mathata afe kapa afe a dipolitiki a ka aparela menahano ya rona nakong ya phetiso ya mmuso, naha ya rona e maemong a matle.
Le ha ho le jwalo, ha re a tshwanela ho shebela diphephetso tseo re tobaneng le tsona fatshe. Mathata a moruo a aparetseng lefatshe ka bophara ke pharela e kgolo moruong wa rona mabapi le tahlehelo ya mesebetsi le boleng ba bophelo ba batho ba borona.
Bophelong, diqeaqeo tsa diphetoho tsa dipolitiki di ka hlahisa dipotso tse ngata ho feta dikarabo tse teng ha jwale.
Ka lebaka lena, ba bang ba rona ba ka nna ba ferekanngwa ke maqhubu ana a thetehang a pula ya difefo mme ba tshoha ha re tobane le difefo tsa moruo o thefulehang le maemo a dipolitiki a sa jeseng ditheohelang.
Empa leeto la rona ke la tshepo le mamello.
Ebile re ka ba ra re, ka mokgwa o sa lebellwang, dikarolo tse ngata tsa molaotheo wa rona di se di kile tsa sisinngwa nakong e sa tswa feta, mme e nngwe le e nngwe ya tsona e ile ya atleha tekolong ena ho bontsha hore demokrasi ya rona ehlile e na le mamello.
Demokrasi ya rona e tsitsitse. E ntse e matlafala ka hanyane, e tsheheditswe ke Molaotheo o ke keng wa lekanngwa le e meng lefatshe ka bophara.
Bonneteng, sefutho sa dingangisano tsa rona ka tsa dipolitiki nakong ena ya dikgetho, seo bohle re dumelang hore se tshwanetse hore se be le seriti le kgotso, ke tsela ya ho netefatsa ho ntshetsa pele polokeho le ho tebisa demokrasi ya rona.
Ke batho ba Afrika Borwa ba netefaditseng kgatelopele ya yona, ebile ke bona ba tlang ho sirelletsa demokrasi ya rona dilemong tse tlang.
Ntumelle, Mme Spikara le Modulasetulo, ke sa le ntlheng ena hore ke kgothalletse MaAfrika Borwa a leng dilemong tsa ho vouta ho ingodisetsa ho vouta mme ba voute dikgethong tse tlang tsa naha le tsa diprofense, hore re bope bokamoso ba rona ka borona.
Sena re tshwanetse ho se etsa dikantorong tsa bomasepala tsatsi le leng le le leng la mosebetsi, pele lenane la bakgethi le kwalwa. Empa re tlamehile ho sebedisa monyetla o kgethehileng wa ho ingodisa mafelong a beke o behilweng ke Komishone e Ikemetseng ya Dikgetho ya Afrika Borwa, hosane le ka Sontaha, ka la 7 le 8 Hlakola.
Ke lakatsa hape ho nka monyetla ona wa ho bolela hore matsatsing a mmalwa a tlang ke tla qetella ditherisano le Komishone e Ikemetseng ya Dikgetho le Ditonakgolo tsa diprofense mme ke tsebise letsatsi la dikgetho.
Ditho tse kgabane; ke ka lebaka la MaAfrika Borwa re nang le demokrasi, bao ka la 27 Mmesa 1994, kgetlo la pele ka kopanelo, ba ileng ba nkela bokamoso ba bona diatleng tsa bona.
Ka ketsonyana ena feela empa e bohlokwa ya ho voutela mmuso wa batho bohle ba naha ya rona, re ile ra furalla bophelo ba kgale bo neng bo re theotse seriti sa botho kaofela ha rona.
Jwale ke tshwanelo mothating ona ho keteka dilemo tse 20 tsa kananelo ya Declaration of the Organisation of African Unity's Ad hoc Committee mabapi le Afrika e ka Borwa ka taba ya Afrika Bowa e ileng ya ananelwa ka Phato 1989 - e tsejwang haholo ka hore ke Harare Declaration. Kgato eo e entse motheo wa tumellano lefatshe ka bophara, ka United Nations, ka mokgwa oo ditherisano di tshwanetseng ho tsamaiswa ka teng Afrika Borwa. Ka hare ho Afrika Borwa, sena se ile sa fana ka tlhahisoleseding dipuisanong tsa 1989 Conference for a Democratic Future, e ileng ya kopanya mmoho MaAfrika Borwa a mefuta yohle.
Tsena tsohle di ile tsa lebisa ditherisanong tse ileng tsa lebisa dikgethong tsa pele tsa demokrasi ka 1994.
Ntlheng ena, re tlamehile ho lebisa tlhompho ho mofu mopresidente wa African National Congress, Oliver Reginald Tambo, ya qadileng le ho etela mekgatlo ya nahakgolo le ya lefatshe ho fihlella se ileng sa e ba mosupatsela wa ho fihlella tharollo ya dikgohlano ka kgotso naheng ya rona.
Boitelo bona ba ho etsa moralo o tlang ho theha kgotso le poelano bakeng sa ntwa le kgohlano bo ile ba fedisetsa ruri boithetso ba dilemo tse lekgolo tse fetileng - ka mantswe a mang qeto e ileng ya nkuwa ka 1909 ya Kopano ya Naha, e ileng ya etella pele ho thehwa ha Kopano ya Afrika Borwa.
Leha kopano eo ile ya hlalosa bokgabane ba Afrika Borwa jwalo ka naha e ikemetseng jwalo ka ha re e tseba kajeno, empa hona ho entswe ka mokgwa wa kgatello le ho kotelwa ha merabe e meng.
Jwale he, kamora dilemo tse 15 tsa demokrasi ya rona, re ka tiisa ra re letswalo, tshabo le lehloyo tseo dilemong tse 100 tse fetileng di ileng tsa hlola monahano o fosahetseng wa kgotso hara makoloneale di ne di se na motheo ebile di sa tshwanela ho ba teng hohang.
Letswalo leo le tshabo di ile tsa tlisa dilemo tse ngata tsa bohanapuso. Ka baka lena re lebisa tlhompho ho mora ya sebete wa batho ba borona, Solomon Kalushi Mahlangu, ya fanyehilweng dilemong tse 30 tse fetileng a le motlotlo ka tsebo ya hore madi a hae a tla nwesetsa a be a hodise sefate sa tokoloho. Ka hoo ntumelleng hore ke bolele hore hara rona mona, Lucas Mahlangu, moena wa Kalushi, o teng o emetse lelapa labo.
Solomon Mahlangu o ne a ntshetsa pele moetlo wa bahale ba kgale, hara bona re ka qolla ba neng ba le tlasa Morena Cetshwayo eo, ka 1879, ba hlotseng sesole sa Brithane kwana Isandlwana, tshireletsong ya tokoloho ya bana ba thari e ntsho ba naha ya rona le boikemelo ba naha ya bona.
Ho tloha dilemong tse lekgolo le mashome a mararo tse fetileng ho fihlella jwale, re thabela ho boha tshepo le mamello tse neng di susumetsa dipelo tseo tse thata.
Ditsing tsa thuto, dikgohlano tsona tseo di ile tsa tsoselletsa bolwanedi ba tokoloho hara mariha a batang kamora ho kwalwa molomo ha mokgatlo o lwanelang tokoloho le ho kwallwa tjhankaneng ha boholo ba baetapele ba ba ona ba ka sehloohong.
Sehlopha sa baithuti ba itetseng se ile sa tswa mokgatlong wa Nusas mme sa theha Mokgatlo wa Baithuti wa Afrika Borwa (Saso) dilemong tse 40 tse fetileng.
Molokong ona ho na le baetapele ba pelepele ba Saso, ba kenyelletsang Strini Moodley, Professor Barney Pityana, Steve Biko, Onkgopotse Tiro, Harry Nengwekhulu, Themba Sono, Mapetla Mohapi, Mosiuoa Lekota, Johnny Issel le Mthuli ka Shezi ho qolla ba mmalwa feela. Ka ho ba le tjheseho nakong ya mathata, re a ba thoholetsa. Ntlheng ena, re lakatsa ho bolela hore hara rona mona kajeno re na le Pat Tlhagwana, motswala wa Onkgopotse Tiro, ya emetseng lelapa labo.
Mothating ona re lakatsa hape ho bolela ka mofu Ephraim Mogale, mothehi le mopresidente wa Mokgatlo wa Baithuti ba Afrika Borwa (Cosas) dilemong tse 30 tse fetileng, le dithaka tsa hae.
Sehopotsong se seholo sa baithuti bana ba kgale ho na le molaetsa wa moshwelella, e leng hore lenyora la tokoloho le tsebo le tuka haholo ho feta pele difubeng sa batjha ba rona.
Molaetsa wa diketso tsa bona tsa bohale o ntse o tiile le kajeno, jwalo ka ha o ne o le jwalo dilemong tse ngata tse fetileng, hore mmoho re tshwanela ho atisa meedi ya menyetla; hore kannete, ho ya ka mantswe a Tokomane ya Tokoloho, re bule haholo hofeta "mamati a thuto le setho."
Re hopola mekgatlo ena le baetapele bana ho hatella moya wa tshepo le mamello o ileng wa susumetsa bolwanedi ba demokrasi le ha dintho tsohle di ne di bonahala di le lerotho; ho tiisa boikarabelo bo mahetleng a rona ho ntshetsa pele ditabatabelo tseo ba bangata itelletseng tsona, ba hana ho thijwa ke dikgopi le mathata.
Jwale he, Mme Spikara le mohlomphehi Modulasetulo, re tshwanetse ho ipotsa: Na ebe diketso tsa rona di bile le tshusumetso ho le hokae phetohong ya bophelo Afrika Borwa dilemong tse 15 ho tloha tswalong ya demokrasi ya rona, le hore na re kgonne jwang ho ntshetsa pele ntlafatso ya botho le seriti ho tloha ha re fuwa matlataelo a tsamaiso ya demokrasi ka 2004?
Re na le demokrasi e sebetsang hantle kajeno, e thehilweng hodima metheo ya ponaletso le e pontsheng, le dibaka tse ngata moo setjhaba se ka bang le seabo, le di-institjhushini tse ikemetseng tse fuweng matlataelo ke Molaotheo ho tshehetsa demokrasi.
Dilemong tse fetileng, re lekile ho ntlafatsa mekgwatsamaiso ya puso. Re thehile mekgwa e metle ya dikamano dipakeng tsa makala a mmuso ra ba ra ntlafatsa le tshebedisano mmoho kahare ho wona.
Ka sebele, mmuso o ka ba motlotlo ka hore o fetotse boemo ba Ditshebeletso tsa Setjhaba, boo bonneteng e leng sesupo sa ka moo setjhaba sa rona se leng ka teng.
Le ha ho le jwalo, le ha basadi ba etsa palo e ka bang 34% ditulong tse phahameng Ditshebeletsong tsa Setjhaba, sena e sa ntse e le dinyane feela ho ya ka dipehelo tsa tekatekano tseo re ipehetseng tsona.
Boemong ba makgotla a ketsamelao a naha le a diprofense, ho na le ditshupo tsa hore selemong sena setjhaba se tla feta palo ya 32% e emetseng basadi e ileng ya fihlellwa ka 2004 esita le palo ya 40% e fihlelletsweng ka 2006 dikgethong tsa mmuso wa selehae. Re tshepa hore mekga yohle ya dipolitiki e tla kenya letsoho tabeng ena ya bohlokwa ha e phethela manane a yona a bonkgetheng.
Leha kgatelopele e nngwe e se e entswe, ka 0,2% maemo ha a thabise mabapi le batho ba holofetseng ba sebetsang mmusong, papisong le 2% eo re ipehetseng yona.
Dintlheng tsena tse pedi, lekala la poraefete lona le salletse morao haholo.
Mehato e mengatanya e kentswe tshebetsong ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya Ditshebeletso tsa Setjhaba, ho kenyelletswa tsamaiso ya ditjhelete, Thusong Centre Services le ntlafatso ya phano tsa ditshebeletso tse ding, dipitso esita le jwalo ka ha ho etsahala Lefapheng la Ditaba tsa Hae, ka boetapele bo matla.
Le ha ho le jwalo, boholo bo ntse bo tlamehile hore bo etswe ho ntlafatsa mekgwa ya phano ya ditshebeletso le ho rupella basebetsi ba bang ba mmuso, haholoholo bana ba sebetsang ba buisana le setjhaba ka kotloloho.
Jwalo ka ha ditho tse kgabane di tseba, mmuso wa rona o entse twantsho ya manyofonyofo e nngwe ya dintho tse tlamehang ho shebisiswa. Sena se bonahala, hara tse ding, melaong e laolang basebetsi ba mmuso le boradipolitiki ka ho tshwana, tshebedisano mmoho ya mekgatlo ya setjhaba le ya kgwebo, ho kenyelletswa le dinomoro tsa mehala ya twantsho ya manyofonyofo.
Ho ka nna ha etsahala hore mekgwa ya thibelo le kotlo ya manyofonyofo ha e matla haholo, empa ho ya ka tjhebo ya mekgwatsamaiso ya mmuso, re ka itshedisa ka hore dinyewe tse fetang 70% tsa manyofonyofo tse tlalehilweng ditabeng di tsebilwe hobane mmuso o utollotse boitshwaro bo bobe mme wa bo nkela mehato.
Lekala la poraefete le lona le tjamelane le tsona diphephetso tsena. Qetellong, phephetso ke e mabapi le taolo jwalo feela le ha e le ka matla a ho e kenya tshebetsong ka nako tsohle.
Ditho tse kgabane, ke tiisitse ha ke re re a dumellana hore bophelo bo botle ba setjhaba sa rona, ka ho hlokolosi, bo itshetlehile hodima kgatelopele eo re e etsang ho hodiseng matlotlo a naha le ho netefatsa hore melemo ya kgolo ya moruo e abelwa batho ka kakaretso.
Ke ntho e tsejwang ke bohle hore, kamora ho kgineha ha moruo mafelong a dilemo tsa bo1980 le pejana ka bo1990, Afrika Borwa e bile le nako e telele eo ka yona moruo o ileng wa hola, ho tloha ha esale ho etswa dipalopalo ka ntho tse kang tsena ka 1940.
Dilemong tsa pele tse leshome tsa tokoloho, kgolo ya moruo ebile kaalo ka 3% ka selemo, mme sena sa ntlafala ho ya ho 5% selemo le selemo ho tloha ka 2004 ho isa ho 2007.
Leha palo ya bareki e hodile, e susumetswa ke keketseho ya mesebetsi le meputso esita le infoleishene e tlase le sekgahla sa tswala, e bile le seabo ntlheng ena, re kgothatswa ke bongata ba menyetla bakeng sa kgolo e tswelang pele.
Tsena di kenyelletsa, ntlheng ya pele, sekgahla se hodimo sa matsete se hlahang setjhabeng le lekaleng la poraefete. Ntlheng ena, dilemong tse hlano tse fetileng, re ne re le ho 16% ya tjhelete yohle e tsitsitseng eo e leng karolo ya tjhelete yohle ya naha, GDP. Seo e bile sekgahla se hodimo sa kgolo ya matsete hoo kajeno lenane lena le leng ho 22%, haufi haholo le 25% eo re neng re lebelletse ho e fihlella ka 2014. Sena ke karolwana feela ya sephetho sa mananeo a mmuso a ho eketsa moralomotheo wa setjhaba.
Ke ka lebaka la maano a ho ntlafatsa maemo bakeng sa matsete a hlahang lekaleng la poraefete, le ho etsa maano a ditjhelete ka mokgwa o eketsang phihlello ya ditshebeletso le ho fokotsa morwalo wa infoleishene hammoho le ho netefatsa botsitso le boitjaro ba moruo.
Tjhadimo diphetohong tsa moruo dilemong tse leshome tse fetileng, le matsapa, haholo ho tloha ka 2004, a ho tlosa ditshitiso tsa mefutafuta ho thusitse ho tlisa diphetho tse thabisang.
Ke mothating ona moo Accelerated and Shared Growth Initiative, Asgisa, e kenngwang tshebetsong, ho netefatsa hore ditshitiso tsohle tse jwalo ka bothata ba moralotheo, maano le mananeo a kopantsweng a indasteri, diphephetso tsa boqhetseke, dithitiso tsa melao le phano e ntle ya ditshebeletso tsa mmuso di lokiswa ka mogwa o tsepameng le o motle.
Moruo wa rona o bulehile haholwanyane, mme ho tloha ka 1994 o ntse o ba le seabo moruong wa lefatshe. Di-institjhushini tsa rona tsa ditjhelete di behile mohlala o motle, e leng hona ho re tshirelleditseng mathateng a moruo a aparetseng lefatshe ka bophara.
Empa, phihlello ya tsona setjhabeng sa rona e ka tlase haholo ho se lebelletsweng. Moruo wa rona o itshetlehile haholo merafong le temong bakeng sa diyantle. Ka ntle ho lekala la ditshebeletso, ha re eso bone ho hola ho hokaalo makaleng a bohlokowa, jwalo ka tlhahisong.
Ka mokgwa oo, sekgahla sa ho hola ha diyantle ha se a phahama jwalo ka dinaheng tse tshwanang le ya rona. Ke bofokodi bona bo bakileng tlhokeho e kgolo ya ditjhelete, haholo ha moruo o hola haholo. Mme ka hobane re na le sekgahla se tlase sa poloko ya tjhelete, re ile ra tlameha ho tshepela tjheleteng ya nakwana ho lefa molato hammoho le mananeo a rona a matsete.
Tsena ke diphephetso tseo naha ya rona e tlamehileng ho sebetsana le tsona ha nako e tsamaya.
Potso eo e leng ya bohlokwa haholo ke ena: Ke eng, hantlentle, seo ho hola ha moruo e tlamehang ho ba sona Matlotlo a etsetswa ho ntlafatsa boleng ba bophelo. Jwale, taba ya hore matlotlo a abelanwa ka ho lekana e tshwanela ho ba tshiya ditabeng tsohle tsa moruo?
Ho leng bohlokwa ke hore kabelano ya melemo ya kgolo ya moruo e tshwanela ho tsamaisana le ho fumaneha ha mesebetsi, ho netefatsa hore ho na le mesebetsi e nang le seriti. Kannte, ke taba e kgahlisang ya hore dipakeng tsa 1995 le 2003, moruo o ile wa thea mesebetsi e metjha e miliyone le halofo, jwale ho kgahlisang le ho feta ke mesebetsi e ka bang 500 000 ka selemo dipakeng tsa 2004 le 2007.
Nakong ena ya morao, kgetlo la pele ho tloha mohla re neng re fumana demokrasi, mesebetsi e mengata e ile ya thehwa ho feta palo ya batho ba batlang mosebetsi, ka mokgwa oo palo ya batho ba sa sebetseng ya fokotseha ka 31% ho tloha ka 2003 ho isa ho 23% ka 2007.
Ehlile, ha re a tlameha ho tswa lekoteng boitlamong ba rona ba ho lekola boleng ba mesebetsi ena, ho kenyelleditswe le ditokelo le melemo eo basebetsi ba e fumanang.
Kabelano ya melemo ya kgolo ya moruo e tshwanetse ho kenyelletsa ho kenngwa tshebetsong ka potlako ha tekanyo ya menyetla mesebetsing, ho kenyelletswa le matlafatso ya batho ba batsho moruong, BBEE.
Sena ha se ho tsekella ho latela leano la kgethollo ka mmala. Bonneteng, naha e sa dumelleng baahi ba yona ho nka seabo ntlheng tsohle tsa moruo e ke ke ya fihlella bokgoni ba yona kaofela.
Taba ya hore lekala la poraefete le salletse morao ho fetoleng phano ya mesebetsi maemong a bookamedi le boqhetseke, ntshetsopeleng ya kgwebo jwalojwalo, ka lehlakoreng le leng ho etsa hore naha ya rona e salle morao haholo kgolong ya moruo.
Kabelano ya melemo ya moruo e boela e bolela tshebetso e ntle le e lekanang ya naha tshebedisong ya tjhelete e le mokgwa wa ho kabobotjha le karolelano ya bothata ba ho fana ka dithepa tsa setjhaba.
Ditho tse kgabane di a tseba ka dintlha tse ngata tse amanang le dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Ke tla qolla mehlala hape ho hlakisa mefuta ya kgatelopele eo re e entseng le diphephetso tseo re tobaneng le tsona.
Mmuso o a tseba hore bofuma bo ntse bo le bongata haholo setjhabeng sa rona, mme le maemo a bosiyo ba tekatekano a hodimo haholo.
Re entse ka hohle kamoo re ka kgonang ka teng dilemong tse 15 tse fetileng ho hlasela mathata ana ka dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba.
"Firstly, money-metric poverty declined substantially since the turn of the century. The reduction is to a large extent due to a dramatic expansion in social grants expenditure from 2002 onwards. This improvement is mirrored in acess to basic services - a rapid decline in asset poverty even preceded the decline in money-metric poverty. Secondly, although the reductions in poverty have been substantial, aggregate inequality increased during the 1990s. Thirdly, the dynamics underlying the poverty and inequality trends determine the broad policy outlook [P]poverty has decreased since the transition, but ... inequality has not improved."
Among households that include children (defined as those aged 17 and younger), the number of households reporting that a child went hungry declined dramatically (from just over 31 per cent to 16 per cent) between 2002 and 2006. This suggests that the poverty situation has improved remarkably, particularly among people experiencing the greatest degree of welfare deprivation. The prevalence of hunger among children has virtually halved over four years.
Ka nnete, kelohloko ena e tiiswa ke dipatlisiso tsa rona, se bontshang hore moputso wa bafumanehi, haholo hara Maafrika le makhalate, bo theohile, ka baka la phano e phahameng ya mesebetsi le phihlello ya dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Ha palo ya batho ba fumamang dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba e ne e le dimiliyone tse 2,5 ka 1999, ka 2008 e ne e eketsehile ka dimiliyone tse 12,4.
Sena ke ka lebaka la katoloso e kgolo ya phihlello ya Tjhelete ya Tshehetso ya Bana, e eketsehileng ho tloha bathong ba 34 000 ba fumantshitsweng thuso ka 1999 ho isa ho ba dimiliyone tse 8,1 ka 2008.
Jwalo ka thuso e lebisitsweng tjheleteng ya meputso ya bafumanehi, tabatabelo ya ho etsa menyetla ya mesebetsi e miliyone e le nngwe ka Lenaneo la Mesebetsi e Atolotsweng ya Setjhaba (Expanded Public Works Programme) e ile ya fihlellwa ka 2008, selemo pele ho nako e neng e lebelletswe tlasa matlataelo a behilweng ke bakgethi. Sena se entse hore ho be le kgonahalo ya ho hodisa lenaneo lena ho be ho ntlafatswe le boleng ba lona.
Mabapi le phihlello ya ditshebeletso tsa mantlha ke malapa, dipalopalo di a ipolela. Mohlala, phihlello ya metsi a nowang e ntlafaditswe ho tloha ho 62% ka 1996 ho isa ho 88% ka 2008.
Bopaki ba dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba bo ka bonwa ka ntlafatso e kgolo e entsweng mabapi le phihlello ya dibaka tsa phano ya bophelo bo botle. Diperesente tse mashome a robong a metso e mehlano tsa Maafrika Borwa jwale di dula bohole bo sa feteng 5km ho tloha dibakeng tsa phano ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle, ebile re bolellwa hore ditleliniki tsohle jwale di se di na le metsi a nowang. Tshebeletso ya thibelo ya mahloko baneng e eketsehile butlebutle ho fihla ho 85%, mme ditlaleho tsa lefu la malaria le tsona di theohile haholo.
Re boela re thabiswa ke ho utlwa hore diphuputso ka lefu la HIV di bontsha botsitso le ho theotheoha ha sekgahla sa tshwaetsano.
Ho feta moo, lenaneo la rona la phano ya meriana e lwantshang tshwaetso ke le leholo lefatsheng ka bophara, ebile le ntse le hola ka nako tsohle, ka bakudi ba fetang 690 000 ba seng ba qadile ho fuwa thuso ya meriana e lwantshwang tshwaetso ho tloha mohlang lenaneo lena le neng le qala.
Empa dibaka tse ngata tsa bophelo bo botle ha di na meriana e hlokehang, palo e tshwanetseng ya basebetsi, le phano e tsitsitsenng ya ditshebeletso tse tshwanang le metsi a ka tlung le motlakase. Dibakeng tse ding, tsamaiso e mpe mme le boitshwaro ba basebetsi bo hloka ho ntlafatswa.
Thutong, re bone phokotseho ya palo ya baithuti ho matitjhere, phihlello e kgolo ka hohle dikolong tsa poraemari, le ntlafatso mabapi le palo ya baithuti ba atlehang dithutong tsa dipalo, ho qolla mehlala e mmalwa feela.
Mothating ona, ho entswe matsapa a maholo ho ntlafatsa moralomotheo dibakeng tse fumanehileng.
Ka nnete, re a tseba hore ho itokolla ha baithuti dikolong, haholo dikolong tse phahameng le diyunivesithing, ho hodimo ka mokgwa o sa amoheleheng, mme le mokgwa wa thuto o sa ntse o lebelletswe ho hlahisa boqhetseke bo hlokwang ke setjhaba.
Hodima moo, tsela ya tshebetso, mabapi le ho ruta le ho ithuta, e bontsha tswelopele ya dikarohano tsa setjhaba tsa mehleng ya kgale ka mokgwa o sa jeseng ditheohelang.
Se makatsang ke hore, hona moo thuto e hlokehang haholo ho fedisa bofuma, ke hona moo moralomotheo, tsamaiso le bokgoni ba matitjhere di sa kgahliseng teng.
Mananeo a setjhaba a Mmuso le ona a ntlafaditse thepa ya ba fumanehileng, ka mokgwa wa matlo, ka dimiliyone tse 2,6 tsa matlo a tsheheditsweng ka ditjhelete a fanweng.
Re tshwanetse, ka sebele, ho ananela hore Lenaneo la Kabobotjha ya Mobu (Land Redistribution Programme) hammoho le tshehetso e fuwang batho kamora hore ba kene dibakeng tseo, di ka be di ile tsa etswa ka mokgwa o potlakileng o bile o le motle.
Ka kakaretso, re motlotlo ka dikgatelopele tsa mananeo a rona a setjhaba, empa re ke ke ra ikgotsofatsa feela ka bongata ba diphetoho.
E ka ba thutong, bophelong bo botle, matlong, metsi kapa tlhweko, tabataba e re tobileng tsatsing le leng le le leng ke hore na re ka ntlafatsa boleng ba ditshebeletso tsena jwang. Ntlheng ena re sa ntse re na le tsela e telele eo re tlamehileng ho e tsamaya.
Ditho tse kgabane, sewa sa botlokotsebe e sa ntse e le lebaka le leholo la ho hloka tshireletso ho MaAfrika Borwa. Kamehla, dibakeng tsa bafumanehi le barui ka ho tshwana, ho na le tshabo mabapi le ho hlaselwa ka ho hlekefetswa.
Ka hara di-institjhushini tsa setjhaba le tsa poraefete, taba ya hore ho ka etsahala hore ho be le morero wa ho utswa thepa ka manyofonyofo ke ntho eo re dulang re e hlokometse.
Ka nnete, sekgahla sa botlokotsebe ka kakaretso, so ileng sa ehlwa mekwalaba ka 2002, se ntse se e ya se fokotseha. Mefuta yohle ya dipalopalo e ka qollwa ho paka taba ena.
Empa re a tseba hore phokotso ena ha e a potlaka ka ho lekaneng, le ha e le ka palo ya 7% ho isa ho 10% eo re ipehetseng yona mabapi le mefuta e itseng ya botlokotsebe. Ntlha ya hore diketsahalo tsa ho tshwara poho ka mahahapa malapeng le dikgwebong di ntse di phahama, le botlokotsebe mabapi le basadi le bana ha bo eso theohe ka mokgwa o kgotsofatsang, ke taba e ngongorehisang haholo.
Sena se bontsha bofokodi dibakeng tseo re dulang ho tsona, haholo ha re aha dikamano tsa tshebedisano mmoho ya setjhaba tse tlang ho re thusa ho thibela le ho lwantsha botlokotsebe setjhabeng. E bontsha bofokodi tsamaisong ya toka naheng ya rona, ho tloha diphuphutsong tsa botlokotsebe ho isa tshokollong ya batshwaruwa. E bontsha bofokodi ba tsamaiso e ntle ya makgotla a dinyewe, mabapi le disebediswa tsa tekgeniki le meralomotheo e meng esita le bookamedi. Tsena ke dintho tseo mosebetsi wa ntlafatso ya tsamaiso ya toka o seng o qadile ho di lokisa.
Empa, le ha re itshwaya diphoso tjena, ha re a tlameha ho lebala hore tsamaiso eo re e sekasekang ke ya toka e ikgantshang ka ho ba e ntle ka ho fetisisa e kileng ya e ba teng naheng ya rona.
Sena ke ka lebaka la diphetoho tseo di-institjhushini tsena di bileng le tsona, mabapi le ditumelo tsa tsona tse itshetlehileng ka ditokelo tsa botho, mofuta wa batho ba sebetsang teng esita le mekgwa ya tsona ya boikarabello.
Empa ha re se keng ra ithetsa: Jwalo ka bophelo ba rona ka kakaretso setjhabeng, diphetoho tsena di sa ntse di le tshimolohong. Ho sa le hole ka pele.
Ke a tshepa hore ditho tse kgabane di tla dumela hore botho ba demokrasi ya rona bo tshwanela ho bonahala ka sekgahla seo re hlokomelang ba kotsing ka hara setjhaba.
Ntlheng ena, ka molao, ka dikopano tsa matjhaba, ka taolo le matsholo, re netefaditse hore ho etswe matsapa a ho ntlafatsa maemo a bana, basadi, dikowa le batsofe.
Ka matsholo a tshehetso le ka baka la tshebedisano mmoho eo re e thehileng le mekgatlo e emetseng dihlopha tsena tse kotsing, re ntlafaditse tlhokomediso mabapi le dintho tse ba amang, ra ba ra kgothalletsa le ho beha dingongoreho tsena sehlohlolong.
Ke ntho eo re ka bang motlotlo ka yona, ho tea mohlala, ya hore malapa a etelletsweng pele ke ba batshehadi a fumane dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba tse tomanyana ho fata tse tlwaelehileng, ho kenyelleditswe le matlo le phano ya bophelo bo botle, le hore hara mananeo a atlehileng ho na le matsholo a thibelo ya mafu baneng esita le phepo e ntle.
Empa phumano ya mesebetsi e hlile e thata haholo basading ba mahaeng, batjheng le dikoweng. HIV e thefula haholo barwetsaneng. Tlhekefetso kgahlanong le basadi le bana e batla e phahame haholo.
Tsena kaofela ke mesebetsi ya nako e tlang.
Mme Spikara le Modulasetulo ya kgabane, ena ke e meng ya mehlala ya dikgatelopele tseo demokrasi e di tlisitseng esita le kgatelopele ya mmuso ntshetsopeleng ya matlataelo a bakgethi. Ha ho potang, ka mokgwa ofe kapa ofe, hore tswelopele e entsweng haesale ho tloha ka 1994 e a kgahlisa, empa le teng ha ho qeaqeo hore diphephetso tsona di sa le ngata.
I have walked that long road to freedom. I have tried no to falter; I have made missteps along the way. But I have discovered the secret that after climbing a great hill, one only finds that there are many more hills to climb. I have taken a moment here to rest, to steal a view of the glorious vista that surrounds me, to look back on the distance I have come. But I can rest only for a moment, for with freedom comes responsibilities, and I dare not linger, for my long walk is not yet ended.
Dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale, batho ba naha ya rona ba tla bolela hore na ke boetapele bofe boo ba batlang hore bo ntshetse pele mosebetsi o babatsehang wa sekwankwetla sena sa molwanedi wa tokoloho le bathehi ba bang ba demokrasi ya rona.
Leha mekgwa ya rona ya ho etsa dintho e ka fapana, ditabatabelo tseo re tlamehileng ho di fihlella di hlakisitswe le ho qaqiswa Molaotheong wa rona, e leng ho aha setjhaba se kopaneng, se se nang kgethollo ya mmala, kgethollo ka bong le demokrasi e nang le seabo kahong ya lefatshe le letle.
Dilemong tse tsheletseng tse fetileng, baetapele ba rona ba ile ba dula majwana Sebokeng sa Kgolo le Ntshetsopele mme ba dumellana ka mesebetsi eo bohle re tshwanelang ho e etsa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba Maafrika Borwa, haholoholo ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi le bofuma ka halofo selemong sa 2014.
tshebetso lapeng esita le ho kenngwa tshebetsong ha ntshetsopele, e kenyelletsang phano ya moralomothe le ditshebeletso tsa mantlha.
Ke na le bonnete ba hore hodima sepheo seo ke seng ke se boletse, Maafrika Borwa a ke ke a hanana le nna mabapi le tlhoko ya ho ntlafatsa thuto ya rona; ho fana ka ditshebeletso tse ntlafetseng di bile di lekalekana tsa bophelo bo botle; ho ntshetsa pele dibaka tsa rona tsa mahaeng le ho netefatsa tshireletso ya dijo; le ho matlafatsa ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu.
Ke qolla dintlha tsena e se hobane ke tsona feela kapa hona hore re tla rarolla mathata ohle a setjhaba sa rona. Ke mpa ke kgethile ho etsa jwalo ho toboketsa ntlha ya hore Afrika Borwa ha e na bofuma ba tjhebelopele. Phephetso ya rona ke ho fetolela tjhebelopele ya rona ho mananeo le diporojeke tse tla kenngwa tshebetsong ka nepo.
Ditabatabelo tsena di arolelanwa ke batho bohle, jwalo ka ha re bona ho Millennium Development Goals ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. Le ha ho le jwalo, kajeno re tobane le kotsi ya hore phihlello ya ditabatabelo tsena e ka busetswa morao ka dilemo tse ngata, tse ka balwang ka mashome, ka lebaka la qaka ya moruo e aparetseng lefatshe.
Se qadileng e le qaka ya ditjhelete hara diinstitjhushini tse mmalwa tse adimanang ka tjhelete, se fetohile sekolotohadi se nang le ditlamorao tse mpe dihlahisweng le kgwebisanong lefatshe ka bophara.
Re ka tletleba ka meharo, ho hloka ponelopele esita le bohlaswa ba baokamedi ba dikgwebo tse kgolo e le tsona tse potlakisitseng pharela ena. Re ka seholla dipholisi tsa mebuso e ileng ya ya le kgongwana hodimo ya ba ya dumella dilaesense tse hlokang taolo tsa mebaraka ho putlamisa ditjhelete. Re ka di etsa tsena kaofela, mme re ke ke ra tshwauwa phoso.
Le ha ho le jwalo, morero wa sebele mosebetsing wa rona ke ho amohela ditlamorao tsa diketsahalo tsena bakeng sa moruo wa rona esita le lebatowa la rona, mme re be le mawa a ho fokotsa kgatello, haholo makaleng a kotsing setjhabeng sa rona.
Seo re se tsebang ke hore maemo a taolo naheng ya rona le dipholisi tse sa potoloheng tsa dibajete tseo re di sebedisang, di re thusitse ho qoba kgatello e mpe ka ho fetisisa ya qaka e teng.
Empa re a tseba bohle hore ka lebaka la ho kena haholo moruong wa lefatshe, sekgahla sa tlhokeho ya diantle tsa rona e fokotsehile; phumano ya tjhelete le diphaello tsa ditjhelete kgwebong di mpefetse; phokotseho ya sekgahla sa tlhokeho e nyotobeditse tlhahiso; ho thehwa ha mesebetsi ho thefulehile mme makaleng a mang phokotso ya basebetsi ke ntho e teng.
Mathata ana a kopane le nako eo e leng hore infoleishene le sekgahla sa tswala ya tjhelete di ntse di le hodimo haholo. Jwale re leboha Mmusisi wa Banka ya Risefe, ya ileng a di theola ka 1% maobane.
Mathata ana ha a se a kopane a mpefatsa pokello ya ditjhelete tsa lekgetho eo re e hlokang bakeng sa ho eketsa phano ya ditshebeletso le ho kenya tshebetsong diporojeke tsa rona tsa moralomotheo. Kahoo, re qobellehile ho fokotsa ponelopele ya rona ya kgolo le ho thehwa ha mesebetsi.
Re a tseba hape hore Afrika Borwa ha e a thefuleha jwaloka dinaha tse ding. Le jwale, nakong eo ba bang ba leng kgatellong ya nakwana ya moruo kapa ba bonela kgatello pele, Afrika Borwa le kontinente yohle di ntse di le boemong ba kgolo ya moruo, le ha e le e monyebe.
Ntlheng ena, ditho tse hlomphehang, ke thabo ho nna ho tlaleha hore dipuisanong tsa Moifo wa Kantoro ya Mopresidente le baetapele ba mekgatlo e fapaneng e sebedisanang le rona setjhabeng, re dumellane ka ho rala mawa a ho kena dipakeng e le ho fokotsa pharela ena setjhabeng sa rona. Setlamo se shebaneng mosebetsi ona se ntse se tshwere ka thata, mme mekgwa e latelang ya dikarabo tse batsi e ntse e tshohlwa.
Ntlheng ya pele, mmuso o tla tswela pele ho tsetela diporojekeng tsa setjhaba, tseo boleng ba tsona bo eketsehileng ho fihla dibilioneng tse R690 bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Tabeng ena, ha ho hlokeha, re tla fumana mawa a ho bokella matlole.
Sena se tla kenyelletsa tshehetso ka diinstitjhushine tsa rona tsa ditjhelete tsa ntshetsopele le tjhelete ya kadimo ho tswa dikgwebong tsa matjhaba, le tshebedisano mmoho le lekala la poraefete le tshebediso ya ditjhelete tse laolwang ke basebetsi, jwalo ka matlole a dipenshene.
Ntlheng ya bobedi, re tla matlafatsa mananeo a phano ya mesebetsi setjhabeng. Ka hlakoreng le leng, meralo ya ho eketsa phano ya mesebetsi mafapheng a bophelo bo botle, tshebeletso tsa setjhaba, thuto le a sepolesa, e tla tswela pele. Ha ka ho le leng re tla potlakisa qalo ya mokgahlelo o latelang wa Mananeo a Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba.
Ntlheng ya boraro, mehato e bobebe e ka nkuwa ke lekala la poraefete ho fokotsa le ho lwantsha sekgahla sa phokotseho ya matsete le ho kwalwa ho sa hlokeheng ha dibaka tsa tlhahiso.
Mmuso, ka lehlakoreng la wona, o tla fetola tshehetso ya ditjhelete diindastering le ditsiane ho thusa ho tobana le diphephetso tsa makala a fapaneng, le ho kgothatsa diinstitjhushine tsa ntshetsopele ditjheleteng ho thusa dikgwebo tse tsietsing ka lebaka la mathata a ditjhelete.
Tsela tse fapafapaneng, ho ena le ho ntshuwa ha nakwana kapa ho heletswa mosebetsing, di tla lekolwa, ho kenyelletsa matsatsi a phomolo a malelele, thupelo e, ekeditsweng, nako e kgutshwane le karolelano ya mosebetsi. Sena se tla kopanngwa le kgothaletso ya letsholo la Ho Ba Motlotlo ka Boafrika Borwa le ho nka mehato e boima kgahlanong le thepa e kenang naheng ntle le molao.
Ntlheng ya bone, mmuso o tla ntshetsa pele le ho hodisa ditshenyehelo tsa setjhaba, ho kenyeletsa le katoloso e tswelang pele ya phano ya Tshehetso ya Tjhelete ya Bana ho ya baneng ba dilemo tse 18, le ho fokotsa dilemo tsa ho fumana penshene ya botsofe ho fihla ho 60 banneng. Le jwale, jwaloka ha ke tlo ba le dilemo tse 60 monongwaha, ke tla ba dilemong tsa ho beha meja fatshe.
Hodima moo, re tla sebedisa ka bobatsi Letlole la Thuso ya Batho ba kojwana di mahetleng le mehato ya tshireletso ya dijo esita le ho shebana le batho ba sa sireletswang ke Letlole la Enshorense ya ba sa Sebetseng kapa ba sebedisitseng tjhelete ya bona kaofela.
Re tla tswela pele ho beha leihlo diphephetso tsa tlhodisano e sa nepahalang hara ba bang ba bahwebi ba rona. Tabeng ena, re lakatsa ho thoholetsa Komishone ya Tlhodisano ka ho tiisa letsoho ho netefatsa hore ba tlolang molao ba a qoswa.
Re a tshepa hore mekgatlo ya setjhaba e tla ntlafatsa boemo ba mafolofolo a yona ho netefatsa hara tse ding, hore ha tjhelete e tsetelwang e fokotseha, setjhaba sohle se una molemo.
Mehato ena ya jwale e tla laolwa ke motheo wa leano le sa potoloheng la tjhelete ya mmuso. Le ha ho le jwalo, re tla netefatsa hore maemo a kadimo a mmuso a hlokolotsi mme ke a nako e telele. Sena se bolela hape phokotso e potlakileng ya maemo a sekoloto sa mmuso neng kapa neng ha maemo a ntlafala.
Matsapa a rona a tla boela a laolwa ke kananelo e lekanyang tshireletso ya tikoloho le phokotso ya tshusumetso ya phetoho ya tlelaemete mme a ka nna a thusa ho theha mesebetsi.
Dikopanong tsa G20 le dipuisanong le mekgatlo e fapaneng, mmuso wa rona o tseka hore ho be le metjha e lokileng ya ho kena dipakeng ka potlako, haholo dinaheng tse tswetseng pele e leng moo pharela e qadileng teng ebile e le hona moo e mpefetseng ka ho fetisisa. Re tshepa hore nako e fihlile jwale ya ho matlafatsa melao le taolo ya tsamaiso ya tjhelete lapeng; empa ho feta moo, leihlo le ntjhotjho le kgato e matla lefatshe ka bophara, di ke ke tsa qojwa, e bile di a hlokeha.
Ka potlako, re tlameha ho sireletsa seriti sa tsamaiso ya kgwebisano lefatsheng, re phethele ditherisano tsa jwale tsa kgwebisano ya lefatshe tsa Doha Round, mme re netefatse hore thuso ya ntshetsopele ha e fokotswe.
Thuto ya moshwelella malebeleng ana ke hore re hloka tshebedisano mmoho e matla hara bahwebi moruong wa lapeng le lefatshe ka bophara, e seng feela ho fokotsa sekgahla sa bothata bo teng, empa le ho beha mehato e tla thibela ho iphetapheta ha bothata bo teng ha jwale.
Naheng ya rona, re tla tsitlallela dikgato tsena e le karolo ya mehato ya ho beha setjhaba sa habo rona motjheng o hodimo wa kgolo le ntshetsopele. Nako ya ho fihlella motjha o hodimo e batla e lelefetse, empa ha re qeaqee hore motsotso oo o tla fihla, ho se ho se hokae.
Tabeng ena, tsela eo re behang naha ya rona boemong ba ho nka menyetla e ikgethileng eo re e fumanang, e bohlokwahadi. Mona ke bua ke qolla Mohope wa Lefatshe wa Fifa ka 2010 esita le Mohope wa Bompodi ba Dikontinente dikgweding tse mmalwa tse tlang. Ho teng ke hore diporojeke le merero e phethetswe kapa e mathuleng a ho phethelwa - ho tloha mabaleng a dipapadi, ditseleng, mehatong ya tshireletso, dintlheng tse amanang le bodulo, ho ya mererong ya bophelo bo botle le ya bojaki - e leng se netefatsang tshepo eo lelapa la bolo ya maoto lefatshe ka bophara le nang le yona hore ya rona, e tla ba thonamente e atlehileng ka nnete.
Re bile re a tshepa hore ka mora tlholo tse hlano tse latelanang, sehlopha sa naha jwale se itshepa ho feta hore se ka bapala ho feta ka moo ho lebelletsweng!
Empa ho feta mona, letlotlo la nnete la sena se kgahlisang le tla ba bokgoning ba rona ba ho bontsha kamohelo e mofuthu le botho ba Maafrika Borwa le Maafrika - ho fetolela ruri, maikutlo ka naha ya rona le kontinente ya rona bathong ba lefatshe ka bophara. Sena se itshetlehile ho rona bohle, mme ha ho tjhelete e ka se rekang!
Ntlheng ena re lakatsa thoholetsa dihlopha tsohle tsa rona tsa dipapadi tse bontshitseng boitshepo ba Afrika Borwa ho tsitlallela ho ipabola nakong ya ngwahola. Thoholetso e ikgethileng re e lebisa ho sehlopha sa rona sa kerikete se hlwelletseng qhoweng mananeng a lefatshe.
Le jwale re bomampodi ba lefatshe ba rakebi; Giniel de Villiers le sehlopha sa hae ba hapile Dakar Rally; sehlopha sa rona sa diolimpiki tsa dikowa se ntse se tswela pele ho re etsa motlotlo; mme sehlopha sa rona sa bolo ya maoto sa ba dilemo tse ka tlase ho 20 se sebeditse hantle haholo tlhodisanong e neng e le boemong bo phahameng ka ho fetisisa.
Mme Sepikara le Modulasetulo ya kgabane, dibekeng tse pedi tse fetileng, Afrika Borwa e phethetse mmoho le Mali karolo ya disiu tsa poloko ya ditokomane e le ho boloke dingolwa tse sa phatlalatswang tsa kgale tsa Timbuktu. Lefa lena le nonneng le supa Afrika e le mokolokotwane wa mahlale le dingolwa, filosofi le kgwebo, tse ileng tsa sitiswa ke kgwebisano ya bokgoba le ho mamarelwa ha leruo la Afrika. Qalo ena e tlameha ho re fa tjantjello ya ho sebedisana mmoho le dinaha tse ding kontinenteng ya rona esita le mafatsheng a hole ho ntlafatsa maemo a batho.
Le jwale, dilemong tse 15 tse fetileng, re sebeditse ka thata ho netefatsa hore Afrika e ba le ntjhafatso ho seo e tlamehang ho ba Mongwahakgolo wa Afrika. Butle-butle ntle ho qeaqeo, kontinente ya rona e tswela pele ka tsosoloso ya yona, ditabatabelo tsa batho ba yona di fihlile sehlohlolong sa manane a baetapele ba yona, ho netefatsa tshepo le botsitso ba yona lefatsheng.
Ke sena feela se etsang hore re tsitlallele ho thusa batho ba Zimbabwe ho fumana tharollo ya moshwelella bothateng bo teng naheng eo. Ntlheng ena re lakatsa ho thoholetsa mekga yohle ya Zimbabwe ka ho phethela ditherisano, ba fana ka moputso oo e leng kgale o labalabelwa ke batho ba naha eo le karolo yohle e ka Borwa ba kontinente: ke hore, mmuso o tsitsitseng o bile o le molaong, o sebeletsa ho fedisa diphephetso tseo batho ba tobaneng le tsona. Re thabile haholo hore maobane palamente ya Zimbabwe e ananetse Sehlomathiso sa 19 sa molaotheo, se behang motheo wa tlhomamiso ya mmuso o akaretsang bohle. Re qolla re bile re leboha motsamaisi wa SADC, e leng Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki, le sehlopha se sebeditseng ka thata le ka mamello ho thusa phethelong ya mosebetsi ka katleho.
Jwale mosebetsi wa kahobotjha o ka qala ka botshepehi, mme re malala-a-laotswe Afrika Borwa ho thusa moo re ka kgonang. Ntlheng ena, ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho thusa ho sebetsana le bothata ba ditlhoko tsa botho naheng eo. Re tshepa hore ka lebaka la kgathallo, dinaha tsa matjhabeng di tla thusana le batho ba Zimbabwe ha ba qala bophelo bo motjha.
Re boela re kgothatswa ke hore, le ha lefufa le bonahala e le makgetha a tswelopele ya batho ba Rephaboliki ya Demokerasi ya Congo tseleng ya bona ya ho ya botsitsong le katlehong, tswelopele eo ha e angwe ke leqophe.
Selekane se qadilweng nakwaneng e sa tswa feta dipakeng tsa boetapele ba DRC le Rwanda, e tshepisa ho ntshetsa pele ditaba tsa polokeho le ho sebetsana le pharela ya ditlhoko tsa botho, empa re tshepa hore le dipuisanong tsa sepolotiki. Ka mokgwa o tshwanang, re tla tswela pele ho sebetsa le dinaha tse ding esita le Kopano ya Dinaha tsa Afrika ho ntshetsa pele dipheo tsena Burundi, Sudan, Sahara e Bophirima, Cote d'Ivoire, Somalia le dibakeng tse ding.
Jwalo ka ha re bone ka dintshetsopele tse fapaneng dikgweding tse mmalwa tse fetileng, Afrika Borwa e tla sebedisa monyetla wa bodulasetulo ba SADC ho matlafatsa mokgatlo ona o bohlokwahadi lebatoweng, e toboketsa haholo ho kenya tshebetsong diqeto tsa kopano le ho hatisa mawa a momahaneng a lebatowa.
Ka yona nako eo, re tla ntlafatsa tshebedisano ya SADC le Mebaraka e Tlwaelehileng ya Afrika e ka Botjhabela le Borwa, Comesa, le Mokgatlo wa Afrika Botjhabelo, EAC. Mehato ena ya mathomo e tla etswa ho eketsa e seng ho fokodisa matla a dikamano tse tebileng tseo re nang le tsona ka hara Kopano ya Ditefello tsa Thepa e Kenang le e Tswang ya Afrika e ka Borwa, SACU.
Mothating ona re lakatsa ho thoholetsa batho le boetapele ba Zambia, Ghana, le ba Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika ka dikgetho, tseo letshwao la tsona le tshelang meedi e mesesane ya dinaha tsa bona. Re tla dula ka dinako tsohle re batla ho matlafatsa tshebedisano mmoho le dinaha tsena le tse ding ho tsitlallela ho ntshetsa pele tse ntle bakeng sa botho.
Ke monyetla ho rona hore monongwaha re phethela mekete ya mengwaha ya pele e leshome ya tshebedisano mmoho ya mmuso wa rona le Rephaboliki ya Batho ya China. Dilemong tsena ho ile ha hlaka ho feta pele hore ho na le melemo e ka fumanwang ke mahlakore ka bobedi selekaneng sa rona.
Re lakatsa hape ho tiisa boitelo ba rona dikamanong tse ntle tseo re di qadileng le Brazil le India ka thuso ya Ibsa, le ka matlafatso ya maqhama ao naha ya rona e ntseng e a theha le Russia le dinaha tse Asia le tse Botjhabela Hare, le tsa Selatini le Amerika Leboya.
Ke ka makgetlokgetlo re hlahisa ngongoreho ya rona ka tswello ya kgohlano e Botjhabela Hare ka kakaretso, haholoholo Iseraele le Palesetina. Botebo ba phoqeho ya rona mabapi le ho tota ha moraorao ha kgohlano esita le ho shwa mofela, haholo ha baahi - ho kenyelletsa bana, basadi le metsofe - ka nnete e hloka tlhaloso.
Ha ho lebaka le ka tiisang diketso tsa tshenyo e kgolo esita le bokwata bo bokana.
Re a tshepa hore lekgetlong lena, boikgathatso bo ntjhafaditsweng ba dinaha tsa matjhaba ho fumana tharollo ya moshwelella kgohlanong ena, bo tla beha ditholwana, hore Maiseraele le Mapalesetina, jwalo ka baahisane, ba be le kgotso le tshireletso dibakeng tsa bona tsa puso.
Re lebisa dithoholetso tsa rona tse ikgethileng mmusong le baahing ba Cuba ka sehopotso sa dilemo tse 50 ba fumane boipuso, mmoho le tokoloho ya ho ikgethela motjha wa ntshetsopele.
Ngwahola re kgonne ho phethela ditherisano tse ding le Kopano ya Dinaha tsa Yuropa ka mawa a kgwebisano, mme re tshepa hore moya o neng o rena ditherisanong tseo o tla rena ha re phethela ditherisano tsa bongata tsa Ditumellano tsa Selekane sa Moruo le dinaha tse lebatoweng la rona. Re tadimile ho boela re matlafatsa selekane sena ha re tshwara Seboka sa EU -Afrika Borwa ha morao, monongwaha.
Hammoho le dinaha tse ding tsa Borwa, re tla tswela pele ho tsitlallela tsela ya ho bopa botjha Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, Letlole la Mokgatlo wa Matjhaba le mekgatlo e meng ya bongata hore di bontshe phetoho le maemo a sebele a fetohang a lefatshe mme e sebetse ka tsela ya tekatekano esita le e bonaletsang ya demokerasi.
Re boela re itlama ho fihlella sepheo sa ditumellano tsa matjhaba, re akaretsa Tumellano ya Kyoto le tse e hlahlamang, molemong wa meloko e tlang bathong ba rona le batho ba lefatshe.
Mme Sepikara le Modulasetulo ya hlomphehang, matsapa ana a itshetlehile hodima metheo e mmedi: tlhokeho ya ho phethela matlataelo a filweng mmuso ona ka selemo sa 2004, le bohlokwa ba ho netefatsa hore mmuso o tlang ka mora dikgetho o fumana sebae se le malala-a-laotswe ho kenya tshebetsong mananeo a wona ntle le tieho e sa hlokeheng.
Dikgweding tse mmalwa tse tlang ha ho sa ntse ho emetswe dikgetho tsa naha le diporofense, re tla tsitlallela ho phethela matlataelo ao a tsebisahalang.
ho tsamaisa mehato e reretsweng ho matlafatsa ditsela tsa tshebetso e mabapi le tekatekano ya bong e jwalo ka boemedi ba 50/50 mekgatlong e nkang diqeto, ntshetsopele ya batjha, ditokelo tsa dikowa le ditokelo tsa bana - ho akaretsa phethelo ya ditherisano tse mabapi le Pholisi ya Naha ya Batjha, ho lokisetsa ho kenya tshebetsong Tokomane ya Batjha ba Aforika ha e se e sebeditswe ke Palamente; le ho thehwa ha Akgente ya Ntshetsopele ya Batjha boemong ba Naha; ho nehana ka Porotokholo ya SADC ya Ntshetsopele le Bong ho Palamente; ho matlafatsa ho buella ditokelo tsa dikowa; le ho eketsa palo ya bomasepala ba seng ba qadile ka Dintlha tse Bohlokwahadi tsa Ditokelo tsa Batjha ho feta 60% ya jwale.
Meralo ena esita le mananeo a mang, ho akaretsa le Dintlha tse Sehlohlolong tse hlwailweng Puong ya Pulo ya Palamente ngwahola ka kgwedi ya Hlakola, di etsa motheo wa matsapa a rona ho phethela matlataelo a tsebisahalang le ho rala motheo wa bokamoso.
Re tla matlafatsa matsapa a rona, re kgothatswa ke mafolofolo, tshepo le bokgoni ba ho kgutlela botsitsong ba Maafrika Borwa ha re tsitlalletse seo se setle bakeng sa batho bohle. Sena, se ka sehloohong, ke sona seo e leng mohlodi wa boitshepo ba rona ha re re setjhaba se boemong bo botle. Demokerasi ya rona e phetse hantle. E ntse e matlafala butlebutle.
Mme jwale, ka mantswe a Mopresidente wa mehleng Mandela, '[We] dare not linger, for [our] long walk is not yet ended'.
Ke a leboha.
<fn>Hansards. SonaContent.st.txt</fn>
Hlakola ke kgwedi e bohlokwa Palamenteng le Maafrika Borwa kaofela. Ke nako ya ho itlhahloba, ho nahanela pele le ho hlophisa ditlhoko tse ka sehlohlolong tsa naha ya rona. Selemong se seng le se seng ka Hlakola Puo ya Pulo ya Palamente e a etsahala, ha Mopresidente a bua le setjhaba jwalo ka hlooho ya naha.
Puo ya Pulo ya Palamente ke eng?
Puo ya Pulo ya Palamente, ha ho bulwa Palamente selemong se seng le se seng, ke puo e lebisitsweng setjhabeng ke Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Puo e behwa Sebokeng sa Kopanelo sa Ntlo ya Seema sa Naha (NA) le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diprovensi Palamenteng. E tsepame hodima maemo a jwale a dipolitiki le a setjhaba le moruo wa naha. Kopano e bitswa ke Mopresidente mme e tsamaiswa ke Sepikara sa Seboka sa Naha le Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovensi. Ke e nngwe ya diketsahalo tse sa atisang ho etsahala moo makala a mararo a mmuso, e leng Moifo wa Phethahatso, o emetsweng ke Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente le Matona: Lekgotla la Molao, le emetsweng ke Moahlodi e Moholo le Dipresidente tsa Boahlodi; le Ketsamelao, e emetsweng ke Ditho tsa Palamente (diMP), a kopanang kaofela sebakeng se le seng. Ditho tsa setjhaba le tsona di a mengwa Puong ya Pulo ya Palamente ho tla ba le seabo ketsahalong ena e nang le seabo sa bohlokwa kahong ya setjhaba sa rona.
Hobaneng Puo ya Pulo ya Palamente e le Bohlokwa?
Puong ena, Mopresidente o totobatsa diphihlello le diphephetso tseo ho ileng ha tobanwa le tsona selemong se fetileng le ho rala mmapa bakeng sa selemo se hodimo. Puo ena e ama dipolitiki, moruo le ditaba tsa setjhaba mme hape le ho lekola maemo ka kakaretso a naha ya Afrika Borwa. E bolela ka maemo ka hara naha mmoho le dikamano tsa yona Afrika le mose. Puo ya Pulo ya Palamente ke mokgwa o bohlokwa wa ho tlalehela Palamente le setjhaba sa Afrika Borwa ka se etsahetseng selemong se fetileng le ho kenya setjhaba lenaneong la dipolotiki la selemo se tlang. Puo ya Pulo ya Palamente e ntse e le tsela ya ho keteka setjhaba sa rona le kaho ya setjhaba.
E etsahala neng?
Puo ya Pulo ya Palamente hangata e etsahala ka Hlakola. Leha ho le jwalo, ha ho na le dikgetho tsa kakaretso ho etswa dipuo tse pedi, ya pele e leng sesupo sa karolo ya ho qetela ya Palamente e tswang mme e nngwe kamora dikgetho, ha Mopresidente e motjha le Palamente ba amohelwa. Ntho e seng setlwaeding ka Hlakola 2010, Puo ya Pulo ya Palamente e ile ya tshwarwa bosiu ka kgetlo la pele, ho fa Maafrika Borwa a mangata monyetla wa ho shebella tsamaiso le ho mamela puo ya Mopresidente. Ka baka la phetoho ena, palo ya babohi ba thelevishene e ile ya ya hodimo ho tloha ho palo e ka bang dimiliyone tse pedi ya babohi ho isa ka tlasenyana ho palo ya dimiliyone tse nne tsa babohi.
Ho nka seabo ha setjhaba ke karolo ya bohlokwa ya mokete ona. Ditho tsa setjhaba di a mengwa ho ba le seabo moketeng ona jwalo ka baeti ba Palamente. Baahi ba Afrika Borwa ho tswa ka makgalo ohle a Afrika Borwa le ho tswa provensing ka nngwe e ba karolo ya Mokoloko wa Tlotlo wa Bana le Basireletsi ba Setjhaba. Mokoloko wa basireletsi ba Setjhaba wa Tlotlo, o amohelang Mopresidente Palamenteng, o kenyelletsa le Maafrika Borwa a tlwaelehileng. Mokoloko wa ba Banyane wa Tlotlo o etswa ka bana ba fumanwang dikolong naheng ka bophara mme ba emela batjha, bao Maafrika Borwa a behileng bokamoso ho bona. Maafrika Borwa a ikgethileng hangata a mengwa ho ba karolo ya diketsahalo. Ba fumanwa diprovensing mme ke batho ba bileng le nyehelo e ikgethang naheng.
Puo ya Pulo ya Palamente ke karolo e kgolo ya tekolo ya tswelopele le boikarabelo. Phephetso e kgolo ya demokrasi ke boholo boo Palamente e ka netefatsang hore mmuso o dula o ikarabela bathong. Tekolo ya tswelopele ke mosebetsi o fuweng Palamente ke Molaotheo ho beha leihlo le ho tataisa diketso tsa mmuso.
Tshepo ya setjhaba mmusong e eketsehe.
Hore ebe mafapha a mmuso a tsamaiswa ka ho phethahala na.
Mosebetsi wa tekolo ya tswelopele o kenyelletsa tsamaiso e phethahetseng ya mafapha a mmuso bakeng sa ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso le ho fihlella boleng bo botle ba bophelo bakeng sa baahi bohle.
Puong ya Pulo ya Palamente, Mopresidente o lekola maemo a ditlhoko tsa setjhaba mme o theha ditabatabelo tsa maano le diphihlello bakeng sa selemo se hodimo. Ke ho ya ka ditabatabelo le diphihlello tsena moo Letona la Ditjhelete le hlahisang Ditekanyetso bakeng sa selemo se tlang, hangata ho ya mafelong a Hlakola. Ditabatabelo tsa maano le diphihlello tse ka sehlohlolong di ba karolo ya seo mmuso o tshwanelang ho se etsa selemong se tlang. Ke mokgwa oo Palamente e o sebedisang ho netefatsa hore mmuso o ba le boikarabelo bathong, ho seo o se fihlellang, le kamoo tjhelete e ajwang ka teng.
Ho etsahalang kamora Puo ya Pulo ya Palamente?
Kamora hore Puo ya Pulo ya Palamente e etswe, ho ngangisanwa ka yona ke Matlo a Palamente a mabedi. Mekga ya dipolitiki e fumana monyetla wa ho fana ka maikutlo a yona le ho botsa dipotso ditabeng tseo ho buuweng ka tsona puong eo. Dintlha tse ngongorehisang di a hlahiswa mme dibaka tsa bohlokwa tse amang naha di a totobatswa. Setjhaba se a mengwa ho ba teng le ho shebella phehisano ena jwalo ka ha ho etsahala ka dikopano tsohle tsa Palamente. Ka ho le leng, Mopresidente o arabela dintlha tse hlahisitsweng le dipotso tse botsitsweng ngangisanong.
Mookataba wa Palamente ke ofe bakeng sa selemo se?
Mookotaba wa Palamente bakeng sa selemo sa 2011 ke "Ho keteka letlotlo la tokoloho ka ho tiisa maqhama pakeng tsa Palamente le batho". Selemong se seng le se seng Palamente e tsebahatsa mookotaba o kgothalletswang ke tsepamo ya mawa a Palamente. Naha ya demokrasi ya nnete e labalabela ho fumana matlataolo a yona bathong, ka dikgetho tsa nako le nako le ho ba le seabo ha setjhaba mekgwatsamaisong ya puso. Mookotaba o kgothalletsa phihlello ya bonkakarolo, boemedi le demokrasi ya molaotheo, mmo baahi ba nkang karolo ditabeng tsa ketsamelao le tekolong ya tswelopele. E tiisetsa mosebetsi wa Palamente, oo e leng ho emela batho le ho netefatsa puso ya batho tlasa Molaotheo. Mosebetsi wa Palamente le wa Ditho tsa yona o tlameha ho tsepama matlafatsong ya maqhama pakeng tsa batho le baemedi bao ba ba kgethileng. Tswelopele ya Palamente e itshetlehile ho beng le seabo ka mafolofolo ha baahi ba Afrika Borwa kaofela ho fana ka sesupo mosebetsing wa Ditho tsa Palamente tseo ba di kgethileng mmoho le institjhushini.
Setjhaba se ka nka seabo jwang Palamenteng?
Ho ba le seabo mokgwatsamaisong wa mokete wa Puo ya Pulo ya Palamente ke e nngwe ya ditsela tseo setjhaba se ka bang le seabo Palamenteng ya sona. Ho na le ditsela tse ding tsa ho nka seabo Palamenteng mme tsena di kenyelletsa ho vouta dikgethong, ho ba setho sa mokga wa dipolotiki, ho sebeletsa le ho ba setho sa mokgatlo wa boithaopo oo e seng wa mmuso, ho ikopanya le Ditho tsa Palamente, ho kenya ditlhahiso kapa dikemelo le ho romela mangolo a tletlebo Palamenteng.
Palamente e itlamme ho etsa hore e fihlellehe setjhabeng sa Afrika Borwa ka ho etsa menyetla bakeng sa ho ba le seabo ka tsela e utlwahalang le ho ba le seabo ha bohle: bana le basadi, ba tsebang ho ngola le ho bala kapa tjhe, ba sebetsang kapa ba sa sebetseng, ba itekanetseng mmeleng kapa ba sa itekanelang, ba fumanehileng (haholo ba dulang mahaeng), le ba bang: ho kopana le ho bolela maikutlo a bona ditabeng tse mabapi le ditlhoko tsa bona tsa motheo. Manane a itseng a jwalo ka Seboka sa Batho, Ho isa Palamente Bathong, Palamente ya Basadi le Palamente ya Batjha ke dibaka tseo kaofela ho ikemiseditsweng ho ikamahanya le setjhaba ho utlwa maikutlo a sona ka dintho tse bohlokwa ho sona. Palamente e batla ho hodisa ho ba le seabo ha setjhaba le ho ba le karolo ho tsamaisana le mookotaba wa selemo sena e leng "Ho keteka letlotlo la tokoloho ka ho tiisa maqhama pakeng tsa Palamente le Batho".
Na o ka rata ho etela Palamenteng?
Kantoro ya Thuto ya Setjhaba ya Palamenteng e fana ka maeto a sa lefellweng Palamenteng le monyetla hore setjhaba se ka shebella diphehisano hodimo dikalaneng tsa Seema sa Naha le tsa Lekgotla la Naha la Diprovensi. Ditlhophiso di ka etswa bakeng sa hore setjhaba se kopane le Ditho tsa Palamente le ho etela Dimamelo tsa Maikutlo tsa Setjhaba kapa dikopano tsa Dikomiti. Ha o sa kgone ho tla Palamenteng, o ka etela websaete ya rona www.parliament.gov.za mme o etele Palamente ya rona ka ditshwantsho tsa moyeng o le sebakeng sefe kapa sefe sa lefatshe.
Puo ya Pulo ya Palamente (SONA) e tla tshwarwa bosiu hape, ka la 10 Hlakola 2011.
Puo ya Pulo ya Palamente e tla arolwa ka dikoto tse tharo. Ya pele ke ho ba le seabo ha setjhaba ka Mokoloko wa Tlotlo wa Basireletsi ba Setjhaba ha ba amohela Mopresidente le baeti ba hae ha ba tsamaya hodima khaphete e kgubedu. Sena se latelwa ke mosebetsi wa mmuso o kenyelletsang tumediso ya dithunya tse 21 ya sesole le Sesole sa Moyeng se fofang hodimo mme qetellong e be puo e lebelletsweng haholo ya Mopresidente.
Ditho tsa Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) se etsa mola tseleng eo Mopresidente a e nkang ho ya Palamenteng.
Sesole sa Tshireletso sa Tlotlo le sona se ba le seabo moketeng ona mme sehlopha sa mmino sa sesole se bapala pina ya setjhaba ya Afrika Borwa.
Tumediso ya dithunya tse 21 ya sesole e a thunngwa ho tlotla Hlooho ya Mmuso, folaga ya Naha, Hlooho ya Mmuso ya Naha e nngwe, leloko la boreneng le Hlooho ya mehleng ya Mmuso.
Ho aha Palamente e phethahetseng e arabelang ditlhoko tsa batho le e kgannwang ke tabatabelo ya ho fihlella boleng bo botle ba bophelo bakeng sa batho bohle ba Afrika Borwa.
<fn>Hansards. Submission.2009-11-11.st.txt</fn>
The employee salary is too low and yet when they were hired the agreement was that they would be paid R1800.
The foreman treats the employees badly and is not interested in their grievances.
The foreman always tells the employees about equipment/clothing that goes missing, implying theft on the part of the security employees.
The foreman always tells the employees that there are other people patrolling other than the security employed to do so.
The employees need proper working gear such as rain suits and other safety-related equipment.
The foreman does not want to pay for overtime work on Sundays and does not even give reasons.
The workers want to know the reasons for the foreman's unwillingness to acknowledge and engage with the elected committee in place.
The workers do not get time off work.
We would like to get help as soon as possible before things get out of control.
We would also like for you to come as soon as possible because all the employees have complaints.
We therefore request a quick response because we are not making any progress in our work.
<fn>Hansards. Survey.2009-11-11.st.txt</fn>
Re a leboha ka ho ba le seabo patlisisong ya maikutlo a batjha a Bokamoso Ba Rona!
Ha ho na ho nka nako e telele ho etsa patlisiso ena, mme ka ho araba dipotso ka ho tshepahala o tla be o thusitse porojekeng ena ya bohlokwa.
Hopola hore dikarabo tsa hao ke sephiri, kahoo re keke ra tseba hore o mang.
Ho bohlokwa haholo hore o bale dipotso kaofela ka hloko mme o arabe ka ho tshepahala.
Patlisiso ena e lebisitswe ho bankaseabo ba dilemo tse pakeng tsa 12 le 24.
Tlhahisoleseding ena e bohlokwa hore re kgone ho utlwisisa haeba dihlopha tse fapaneng tsa batjha di nahana ka ho tshwana ka ditaba tse itseng, kahoo o koptjwa ho araba dipotso kaofela tse karolong ena.
O dula Provenseng efe?
O koptjwa ho araba dipotso kaofela karolong ena ya patlisiso.
Moo ho nang le lenane la kgetho, etsa sedikadikwe kgethong ya hao.
Na o motlotlo ka ho ba MoAfrika Borwa?
Ke dibakeng dife tse latelang tseo o teanang le mathata ho tsona bophelong ba hao?
Bakeng sa Afrika Borwa, ka kakaretso, o nahana hore ke dintho dife tsa bohlokwa tse shebaneng le batjha?
Na o nahana hore o ka thusa ho etsa Afrika Borwa e be betere?
Ke mang ya nang le boikarabelo bo boholo ba ho etsa Afrika Borwa hore e be betere?
Ba bang, hlalosa.
Ha o ne o ka ba le mathata a maholo, o ne o tla ya ho mang bakeng sa thuso?
Mokgatlo o thusang batho ka mathata a kang ana.
Haeba motho eo o mo tshepang haholo a hlahisa hore o ye mokgatlong o thusang batho ka mathata ana, na o ne o tla ya?
Na o tseba mokgatlo o thusang batho ka mathata ana?
Ka tjhebo ya hao, na MaAfrika Borwa a ithuta ho phela mmoho?
Bophelong ba hao, na mmala wa motho ke ntho e etsang hore o etse qeto ka hore o etsa setswalle le mang?
Bakeng sa batjha ba MaAfrika Borwa ka kakaretso, na o nahana hore mmala wa motho ke ntho e etsang hore ba etse qeto ka hore ba etsa setswalle le mang?
<fn>Hansards. VirtualTour.2010-02-19.st.txt</fn>
Le amohelehile Palamenteng ya Afrika Borwa, Palamente ya mongwahakgolo wa 21!
Palamente ena ke ya batho!
Re ikitlaetsa ho netefatsa hore ka mananeo a rona ditjhaba tse qheletsweng ka thoko le tsona di a kenyelletswa.
Seabo sa Palamente le tabatabelo ya yona e kgolo ke ho emela le ho netefatsa mmuso wa batho tlasa Molaotheo.
Sena se fihlellwa ka ho atlehisa melao, ho bea diketso tsa mmuso leihlo, le ho kenyelletsa setjhaba tsamaisong ya Palamente.
Molaotheo ke molao o ka sehlohlolong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa mme o aha motheo bakeng sa setjhaba sa demokerasi le se bulehileng moo mmuso o thehilweng hodima ditabatabelo tsa batho mme moahi e mong le e mong a sireleditsweng ke molao ka ho lekana.
E hlalosa makgabane le mekgwa bakeng sa taolo ya mmuso wa demokerasi o arabelang ditlhoko tsa batho.
Palamente e theilwe ka baemedi ba batho ba 400 ba kgethilweng ka bolokolohi bao e leng ditho tsa Seboka sa Naha.
Diporofensi di emetswe Palamenteng ke Lekgotla la Naha la Diporofensi le botjwang ke baemedi ba leshome ho tswa porofensing ka nngwe.
Palamente ya demokerasi ya rona e na le nalane eo e leng motlotlo ka yona ya boemedi ba basadi.
Ha jwale basadi ba etsa palo e ka bang 43% ya Ditho.
Ho tloha ka 2009, ha jwale re maemong a boraro lefatsheng ha ho bolelwa ka palo ya baemedi ba basadi.
Palo ya baemedi ba basadi ka Palamenteng eo ho batlwang ho fihlellwa ho yona ke 50%.
Ebile re na le palamente e sebetsang ka thata!
Palamente ya pele ya rona ya demokerasi ka 1994, jwalo ka ketso ya yona ya pele, e ile ya kgetha Mopresidente Nelson Mandela jwalo ka hlooho ya naha.
Ka la 24 Motsheanong 1994 Mopresidente Mandela o ile a fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ya pele kopanong e kopanetsweng ke Dintlo tse pedi tsa Palamente ya pele e kgethuweng ka mokgwa wa demokerasi.
Ho tloha mohlang oo Palamente e ile ya ananela Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ka 1996 mme ya atlehisa melao e fetang lekgolo e metjha!
Na ekaba o se o itokiseditse ho tsamaya ka hara mabota a palamente ena e kgemang le dinako?
Ha re tsweleng pele ka leeto la rona ka hara Palamente ya Afrika Borwa!
Bohahlaudi bona ba khomputareng bo tsepame dibakeng tse tharo Palamenteng, e leng, Seboka sa Kgale, Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Nka nako ho iphumanela haholwanyane ka dibaka tsena!...
Ena ke Parliament Street. Matlo, e leng Seboka sa Naha, Lekgotla la Naha la Diprofensi, mmoho le Tuynhuys di fumaneha seterateng sena moo dikantoro tsa mmuso mmoho le moo dikantoro tsa Mekga ya dipolitiki e Palamenteng di fumanehang teng. Mopresidente o tsamaya Parliament Street ho leba Ntlong ya Seboka sa Naha ho fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ya selemo le selemo ho seboka sa kopanelo sa matlo a mabedi a Palamente. Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente, e tlwaelehileng ka ho bitswa "Pulo ya Palamente", ka mahlakoreng a mabedi a Parliament Street ho ema Mekoloko ya Tlotlo.
Slave Lodge ke sebaka sa sehopotso le moo ho etswang mekete ya sehopotso. E ile ya ahwa ke Dutch East India Company ka 1679. E ne e sebediswa jwalo ka tulo ya Lekgotla la Keletso pele ho ahwa Palamente ya Kapa, hape e kile ya sebediswa jwalo ka moaho wa dikantoro tsa mmuso, Lekgotla le Phahameng, Poso le Moseamo wa Nalane ya Setso.
Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente Mopresidente le mokoloko ba tsamaya hodima moseme o mofubedu ho tloha Slave Lodge ho ya Sebokeng sa Naha bakeng sa seboka sa kopanelo.
Moaho wa Marks o fumaneha ho tobana le moaho wa Lekgotla la Naha la Diporofensi mmileng wa Parliament Street. Moaho wa Marks, o ahilweng ka 1904, ha jwale ke moaho wa mekga ya dipolitiki, le basebetsi ba yona. Nakong e fetileng o ne o sebediswa ke mokgatlo wa House of Delegates Palamenteng ya Matlo a mararo, pele ho selemo sa 1987. Palamente ya matlo a mararo (kapa ya makgotla a mararo) ya 1985 e ne e na le makgotla bakeng sa Makgowa, Makhalate le MaIntia empa e kgethollotse batho ba Batsho.
Africa House e sebakeng se setle hara mabala a Palamente mme e tobane le Seboka sa Naha. E ne e sebediswa jwalo ka kantoro ya Mokomishinara e Moholo wa Borithane, jwale e se e le moaho wa Dikomiti tsa Kopanelo ho tsa Bohlwela le dikantoro tse ding tsa Palamente.
Ka hara Africa House ho na le sehlahiswa sa bonono sa kgale se entsweng hona mona: lebokoso le entsweng ka kutu ya sefate sa Mimosa sa boholo ba dilemo tse 350 se ileng sa fefolwa ke moya o matla o hlahang ka borwa-botjhabela ka 1892. Molamu wa tlotlo wa Sepikara sa Palamente o ile wa bolokwa ka hara lebokoso ka dilemo tse mashomeshome.
"Stal" ka Sekgowa e bolela lesaka. Sebaka seo ho neng ho kenwa ho sona ho ya Stalplein, se rehilweng kamora masaka a Mmusisi wa Kapa, se ne se le ka Company Gardens e ka lehlakoreng la Tuynhuys, e qadileng e le moaho wa disebediswa tsa VOC e neng e tsejwa hape jwalo ka Dutch East India Company mme hamorao ya sebediswa ke Babusisi ba Kapa kaofela. Meaho e tlileng kamorao ya Palamente e se e atamelane jwalo ka ha dikarolo tse ntjha di ntse di ahwa, ho fihlella ka 1988 ha lehlakore le letjha leo e leng moaho wa ntlo ya Seboka sa Naha o fihla Tuynhuys. Ka nako eo Palamente e dutseng ka yona, Mopresidente o sebedisa Tuynhuys jwalo ka kantoro ya semmuso. Tuynhuys e tlasa taolo e ikemetseng ka ntle ho Palamente.
Palamente haesale e bolela dintho tse fapaneng bathong ba fapaneng. Hekeng ya Roeland Street e kenang Palamenteng, seemahale se phahamisitsweng sa Mogenerale Louis Botha hangata se tlisa potso ena: Ho etsahalang ka bahale ba batjha ba setjhaba sa rona Le ha ho le jwalo, seemahale sena ke sa Motsetoropo wa Kapa. Meedi ya Palamente e tshwailwe ka ho kampelwa ho thatikang le mmila wa Plein Street, le Company Gardens ka lehlakoreng le ka bophirimela. Heke ya Roeland Street e sebediswa ke ditho le bakeng sa ho kena dibakeng tseo ho bewang makoloi a Ditho tsa Palamente le basebetsi ba Palamente?
Ka nako ya mosebetsi wa pulo ya Palamente le diketsahalo tse ding tsa Mmuso, Lelakabe la Sehopotso le a tuka Palamenteng e le ho isa tlotlo ho bohle ba ileng ba lahlehelwa ke maphelo a bona dintweng tseo Afrika Borwa e lwanneng ho tsona. Mopresidente wa Afrika Borwa ke Molaodi e Moholo wa sesole.
Sebaka sa Baeti se fumanwa ka Posong ya Kgale eo e seng e le karolo ya meaho ya Palamente. Palamente e amohela baeti ba tswang hole le haufi mme baithuti bona ba amohelehile haholo. Baeti ba fetang 25 000 ba etela Palamenteng selemo le selemo. Baeti ba hloka hore ba hlahise boitsebiso ba semmuso pele ba ka dumellwa kahara Palamente. Ho eba maphathephathe haholo ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente (e bitswang hape ka hore ke pulo ya Palamente ya selemo le selemo) kapa ha Letona la tsa Ditjhelete le fana ka puo ya ditekanyetso tsa ditjhelete.
Poorthuis e tsejwang hape ka hore ke Gate House ke heke e lebisang Moahong wa Seboka sa Kgale. Motho o hloka hore a fete sepoleseng sa tshireletso ha a kena teng. Hang ha o le ka hare bohole bo kang dimitara tse 30 ho na le Keiskamma Tapestry (sheba Hotspot).
Kamora ho hlwa ditepisi tse lebang monyako wa sebopeho se tsotehang wa moaho wa Seboka sa Naha, o hata fatshe moo ho kentsweng dithaele tsa mabole pele o kena ka Ntlong ya Seboka sa Naha. Sebaka sena sa ho kena se lebisa tlase monyakong wa Ditho. Ho na le ditepisi ka mahlokoreng a mabedi a monyako wa sebaka sa phomolo tse lebisang kalaneng ya setjhaba, kalaneng ya boraditaba, Sebaka sa Batlotlehi, le dikantorong. Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente le maeto a Semmuso moseme o mofubedu o alwa ho ya feta sebakeng sa keno ho leba monyakong wa ditho.
Ntlo ena ke lehae la kopano ya ditherisano ya Seboka sa Naha le ya diboka tse kopanetsweng. Ha jwale, Ditho tsa Palamente tse 400 di kopanela mona ho atlehisa melao le ho bea leihlo diketso tsa mmuso. Mopresidente o dula ka lehlakoreng le letona la Sepikara, setulong se nang le letshwao la naha. Mokgatlo wa dipolitiki o moholo o dula ka ho le letona ho Sepikara mme mekgatlo e kgahlanong ka ho le letshehadi. Ke ka hara ntlo ena ka nako ya kgethollo moo Mopresidente FW de Klerk a ileng a etsa tsebiso ya ho bula molomo wa ANC le mekga e meng ya dipolotiki. Kamora matsatsi a robong, mohla 11 Hlakola 1990, Nelson Mandela a lokollwa tjhankaneng kamora nako e fetang dilemo tse 27. Moketeng o neng o ama maikutlo 1994, Ntate Mandela o ile a amohelwa jwalo ka Mopresidente wa pele wa Afrika Borwa ya kgethuweng ka mokgwa wa demokerasi.
Phodiyamo e ka pela setulo sa Sepikara e sebediswa ha ho etile babusi ba matjhaba a mang kapa ke Mopresidente kapa Matona a arabang dipotso. Ka nako ya dingangisano, kapa ha ditho di etsa puo hangata di sebedisa phodiyamo, empa ba ka fana ka tsebiso ya tshisinyo kapa ba botsa dipotso le ho hlahisa ntlha ya tokiso ba le ditulong tsa bona, tseo kaofela ha tsona di nang le dimaekrofoune. Ho na le mekgwa ya ho vouta e sebedisang thekenoloji setulong ka seng ho netefatsa ho vouta sephiring, empa mokga ka mong o kgona ho bona hore ke ba bakae ba bona ba voutetseng molao kapa kgahlanong le ona.
Setulo sa Sepikara se fumaneha kalaneng e phahameng ka nqane ho Ntlo ya Seboka sa Naha. Ke hona mona moo Sepikara se laolang tsamaiso ya Ntlo.
Sepikara sa pele sa Palamente ya demokerasi, Dr Frene Ginwala, o ile a etsa ditlhophiso tsa hore mekga e menyane ya dipolitiki e be le ditulo tse ka pele, hore bakgethi kaofela ba kgone ho bona mekga eo ba e voutseng. Ha ho na le seboka se kopanetsweng sa Ntlo, mohlala, ha ho fanwa ka Puo ya Pulo ya Palamente, ho eketswa ditulo mahareng a dikarolo tse pedi ho etsa sebaka sa ho dula bakeng sa ditho tsa Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Ntlo ya Seboka ya Kgale e ne e sebediswa ke Palamente ho tloha ha ho qala Yuniyone ka 1910, ho fihlella ha mmuso wa pele wa demokerasi o kgethwa ka 1994. Ka 1994 Palamente ya mehleng e ileng ya qhalwa ka hara Ntlo ena: ketso ya sesupo se bontshang ho fela ha molao wa Kgethollo(Apartheid), le melao ya yona. Ka 1961 Afrika Borwa e ile ya tswa Mokgatlong wa Dinaha tsa Selekane, ho ba Rephaboliki. Kamora dikgwedi tse nne Afrika Borwa e tswile Mokgatlong wa Dinaha tsa Selekane mme e bile Rephaboliki, Dimitri Tsafendas a bolaya, ka ho mo hlaba, Tonakgolo Dr Hendrik Verwoerd, moo a neng a dutse teng.
Ntlo ena e se e sebedisetswa bakeng sa dimamelo tsa setjhaba, ho atlehisa melao le ho etsa mosebetsi wa Palamente wa ho bea leihlo. Hape e sebediswa jwalo ka moo ho kopanelwang teng bakeng sa diseminara, dikopano tsa dihlopha le dikomiti le dikopano tsa lekomo la ANC le Dimamelo tsa Setjhaba.
Phaposi ya ho jela ya Seboka sa Kgale e ne e le karolo ya moaho wa pele wa 1885, o sebetsang jwalo ka Ntlo ya Seboka sa Ketsamelao sa Kapa. Kamora ho thehwa ha Yuniyone ka 1910, Ntlo ya Seboka e ile ya eketswa. Ntlo ya mmuso wa Kapa e ile ya eba phaposi ya ho jela ya ditho le baeti. Tonakgolo ya Borithane Harold MacMillan o ile a fana ka puo ya hae ya "Winds of Change" hona mona ka 1960, a tsebisa ka ho fumana tokoloho ha dinaha tsa Afrika tse tlasa puso ya Brithane.
Sebaka sa phomolo sa Lekgotla la Naha la Diprofensi se ne se tsejwa jwalo ka Queen's Hall e reilweng kamora Mofumahadi Victoria mme lebitso lena le ile la tlohelwa ho fihlella ka 1961. E ile ya bitswa Gallery Hall ka 1961 ha Afrika Borwa e ba Rephaboliki.
Foluru ya sebaka sa phomolo e tshwana hantle le mofuta wa dipaterone tsa seramiki tsa difoluru tsa mehleng ya Mofumahadi Victoria.
Ntlo ena ya NCOP, eo e leng e nngwe ya meaho ya bohlokwa nalaneng ya molaotheo wa Afrika Borwa, e fa baahi ba diprofensi kaofela boemedi ka Palamenteng. Melao e amang diprofensi ho ngangisanwa ka yona le ho phethiswa ka ntlong ena. NCOP e na le ditho tse 10 ho tswa profensing ka nngwe - baemedi ba tsheletseng ba nako tsohle le ba bane ba ikgethang.
Ka hara ntlo ena, ditho di dula ho ya ka Profensi ya tsona mme ba vouta jwalo ka karolo ya profensi. Bakgethi ba na le voutu e fapaneng ya ho voutela ditho tsa Makgotla a Ketsamelao a Diprofensi tse robong, dilemo tse ding le tse ding tse hlano, ka lona letsatsi leo e leng la dikgetho tsa setjhaba. Profensi ka nngwe e na le letshwao la yona le bontshitsweng ka ntlong ya Lekgotla la Naha la Diprofensi.
Ha Mopresidente a menngwe ho tla kopanong ya ditherisano Lekgotleng la Naha la Diprofensi, o dula ka moleng o ka pele ka ho le letona ho modulasetulo, setulong sa Mopresidente se nang le letshwao la naha le betlilweng ho sona.
Kalana ya NCOP e sebediswa ke Baeti ba Bohlokwa le setjhaba ha se etile Palamenteng.
Letshwao la Naha la Afrika Borwa ke letshwao le ka sehlohlolong le bonwang la Naha. Bohareng bo bonahalang ba letshwao ke prothiya e kgolohadi, palesa ya naha, e emetseng kutlwano ya setjhaba, le naha e holang jwalo ka palesa. Ka hodima prothiya ho na le mmamolangwane ka mapheo a phukalletseng, le letsatsi le tjhabileng. Ditsebe tsa koro di bolela mobu o nonneng, ha manaka a tlou ya Afrika a bolela bohlale, matla le botsitso.
Bohareng, thebe e bolela tshireletso ya MaAfrika Borwa ohle, tlase ke lerumo le koto, tse beilweng ho tiisetsa tshireletso ya kgotso empa e seng maikemisetso a ho lwana. Ka hara thebe ho na le ditshwantsho tsa MaKhoisan, batho ba pele ba ho dula naheng ena. Ditshwantsho tsena di nkuwe ho tswa Lejweng la Linton, e leng mohlala o tsejwang lefatshe ka bophara wa bonono ba majwe Afrika Borwa. Lepetjo le letshwaong la naha le bolela hore "batho ba fapaneng ba kopane", kapa "batho ba fapaneng ba kopane mmoho," ka puo ya MaKhoisan ya batho ba /Xam: !ke e:/xarra//ke provide link to parliamentary website for audio pronunciation?
Heke ya Queen e fumaneha ka Palamenteng ya Kapa ya pele e neng e ahwe ka 1885. E ne e fana ka phihlello ka ntlong, pela heke ya Company Gardens. Company Gardens di fumane lebitso la tsona ho tswa ho Dutch East India Company eo ka 1652 e ileng ya romela Jan le Maria Van Riebeeck Kapa. Meaho e metjha e ile ya eketswa mabaleng a Palamente kamora hoba dibaka tse pedi tse neng di le tlasa puso ya Borithane (Kapa le Natala) le Diriphaboliki tsa Maburu tsa kgale (Transvaal le Orange Free State) di etse Yuniyone ya Afrika Borwa ka 1910.
Laeborari e fumaneha ho tloha sebakeng sa phomolo sa moaho wa NCOP. Ka1857 laeborari ka seqo e ile ya thehwa ka pokelletso ya dibuka tse neng di sebediswa ke Seboka sa Ketsamelao sa Kapa sa kgale le Lekgotla la Ketsamelao. Ka 1910, ka ho thehwa ha Yuniyone, pokello ena e ile ya e ba Laeborari ya Palamente. Ka 1919, dibuka tse hlokehang, ditshwantsho, dimmapa le metako di ile tsa eketswa, qetellong tsa eba Pokello e Ikgethang.
Nakong e fetang dilemo tse 150 ho ekeditswe dibuka tse kgahlisang Laeboraring ena, ho kenyelletswa le pokelletso ya Sidney Mendelssohn. Ka 1917, o ile a fana ka pokelletso ya hae ya Africana, e nang le dintho tse 7 000, ho Palamente. Ho na le dibuka tse ka bang 200 000 ka laeboraring, ho kenyelletswa le direkoto tsa pelepele tsa Afrika Borwa le Afrika.
Hara dintho tsa bonono tse bontshitsweng maboteng a moseamo ke mesebetsi ya bonono ya motaki, Francois Le Valliant. E ne e le motsamai wa MoFora ya tsamaileng maeto a mangata Kapa e botjhabela le e leboya mahareng a 1781 le 1784.
Ditshwantsho tsena ke rekoto ya maeto ana.
Metako ena, dihlahiswa tsa bonono le pokello ya mafa a Palamenteng di bolokilwe, tsa rekotwa le ho hlokomelwa, ke kantoro ya bonono ya Palamente mme di ka fihlellwa ke setjhaba. Pokello ena e bohlokwa nalaneng ya naha, empa ha di emele batho le bonono bohle ba naha ena. Palamente e ikitlaetsa ho ba moemedi ho hlahiseng bonono bo emelang MaAfrika Borwa ohle. Mesebetsi ya bonono e metjha le e fapaneng e a batleha bakeng sa ho bontshwa ho etsa bonono ba Palamente karolo ya leeto, e seng mafellong a leeto.
Motako wa Keiskamma o emetse pokelletso ya bataki, eseng motaki a le mong feela. Phetoho e bonahalang eka ke ya mohlolo mona Afrika Borwa e hlaloswa hantle ke Motako wa Keiskamma o leng ka hara moaho wa Seboka sa Kgale. Motako ona o bolelang nalane ya twantsho ya kgethollo Afrika Borwa o entswe ke basadi ba Kapa Botjhabela, mme o kenyeletsa ditshwantsho tse tswang dipampitshaneng tse fanang ka tlhahisolesedi ya dikgetho tseo di neng di fuwa bakgethi ba Afrika Borwa ha ho ne ho voutwa kgetlo la pele dikgethong tsa demokerasi.
Molamu wa tlotlo wa kgauta o fuweng Palamente ka 1963 ke Lekgotla la Dimaene la Transvaal le Orange Free State, o se o nketswe sebaka ke Molamu wa Tlotlo wa setjhaba. Hodima Molamu wa tlotlo ho na le buka e bulehileng (e emetseng Molaotheo), le moropa o bitsetsang baemedi ba setjhaba kopanong.
Dintho le makase a fapaneng di bontshitswe kgorong e kopaneng le moaho wa Lekgotla la Naha la Diprofensi. Molao o saennweng wa ho theha Yuniyone ya Afrika Borwa ka 1910 o bontshitswe, ka letshwao la borena, jwalo feela ka Molao wa 1961 wa ho theha Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Molamu wa tlotlo wa kgale o tshwana le o neng o sebediswa ke Ntlo ya Setjhaba(House of Commons) kwana Engelane. O ne o bewa hodima teresele hodima Tafole ya Seboka.
Pina ya setjhaba e ngotsweng ke CJ Langenhoven bakeng sa Yuniyone ya Afrika Borwa "Die Stem", e bontshitswe mona, pela pampiri ya tlhompho e phuthetsweng ya bao ba ileng ba lahlehelwa ke maphelo dintweng tse pedi tsa lefatshe, le mabitso a masole a ba batsho a ngotsweng kamorao ho Dibuka tsa Sehopotso.
Diwiki bakeng sa balaodi ba ntlo le bahlanka ba baholo ba dulang tafoleng tsa Seboka le Senate di ile tsa kgaotswa ka Pherekgong ka 1987 kamora seboka sa kopanelo sa Dikomiti tsa Melao e Ikemetseng le Tsamaiso, leha wiki ya ho qetela e ile ya aparwa ka 1994.
Majwe a manyenyane a tswang ngweding, a fuweng Afrika Borwa ke Mopresidente Richard Nixon, le ona a bontshitswe.
<fn>Hansards. WomenAndParliament.2009-11-11.st.txt</fn>
Basadi ke karolo e fetang halofo ya baahi ba Afrika Borwa mme kahoo mantswe a bona a tlameha ho kenyeletswa ha ho nkuwa diqeto le ha ho etswa molao.
Ho kenyeletsa basadi ha ho nkuwa diqeto ke tokelo ya motheo ya botho. Basadi ba tlameha ho ba le seabo ho etsweng ha molao hobane ho kenngwa tshebetsong ha molao le meralo ya mmuso ho ama maphelo a bona a kamehla. Ho bohlokwa ho feta, dipatlisiso di bontshitse hore ha basadi ba na le seabo ho nkuweng ha diqeto, sena se lebisa ho eketseheng ha tsepamiso le ho ajwa ha disebediswa tse ntlafatsang boleng ba bophelo ba batho bohle.1 Ho eketseha ha ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao ho ka lebisa ntlafatsong ya phumantsho ya ditshebeletso tsa motheo tse kang phumantsho ya matlo, thuto le thekolohelo.
Molaotheo wa Afrika Borwa o re setjhaba se be le phihlello le seabo Palamenteng le tsamaisong ya yona. Ho na le ditsela tse fapaneng tseo sena se ka etswang kateng.
Basadi ba ka ba le seabo ho etsweng ha molao ka ho kgetha mokga wa dipolotiki oo ba nahanang hore o ka emela tjhadimo le dingongoreho tsa bona hantle Palamenteng. Ba ka ba le seabo hape ho hlophiseng le ho sebeletsa mokga wa bona mme ba kgethwe makaleng a wona. Basadi ba phahamiseditswe maemong a hodimo ka tsela ena.
Komiti ya Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi e ka nka qeto ya ho tshwara dipuisano tsa setjhaba kapa ya kopa ditlhahiso. Setjhaba se ka tsebisa Komiti kapa Komiti ya Tshebetso ka tjhebo ya sona tabeng eo ho ngangisanwang ka yona. Baahi ba setjhaba ba ka ikopanya le Setho sa Palamente ho hlalosa tjhadimo ya bona ya molao o itseng.
Molaotheo wa Afrika Borwa o fana ka moralo wa ho kgothaletsa tekano ya bong, mme kahoo ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao. Molaotheo o na le dipehelo tse mmalwa tse ntshetsang pele tekano ya bong. Bili ya Ditokelo tsa Botho e tiisetsa tshwaro e lekaneng ya Maafrika Borwa wohle. E thibela kgethollo e nang le leeme ya morabe le bong. Bili ya Ditokelo e hatella hore ho nkuwe mehato ho ntshetsa pele phihlello ya tekano dikarolong tsohle tsa setjhaba.
Molaotheo o fana ka dipehelo ho ditheo tse tshehetsang demokerasi, le bakeng sa ho ba le seabo ha basadi. Tsena di kenyeletsa, hara tse ding, Khomishini ya Tekano ya Bong le Khomishini ya Ditokelo tsa Botho.
Ho tlatseletsa dipehelo tse entsweng Molaotheong, Afrika Borwa e itlamme ho tekano ya bong ka kakanelo ya yona ya dikopano tsa matjhaba tse kang Kopano ya Phediso ya Kgethollo ya Basadi (CEDAW) le mokgatlo o bitswang Platform of Action, e ileng ya thewa ke Kopano ya Beijing ya Basadi. Afrika Borwa ke karolo ya mananetsamaiso a Afrika a ketso le ntshetsopele ya basadi, mohl. porotokholo ya bong le ntshetsopele ya Ntshetsopele ya Matjhaba a Afrika e ka Borwa (SADC).
Tsela ya pele e bohlokwahadi eo basadi ba ka bang le seabo Palamenteng ke nakong ya dikgetho. Tsela eo batho ba kgethang ka yona dikgethong e susumetsa sebopeho sa Ntlo ya Seboka ya Naha le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi. Dikgetho tsa naha di nea batho bohle ba dilemo tse ka hodima 18 tokelo ya ho kgetha mokga oo ba o ratang. Basadi ba etsa karolo e kgolo ya bakgethi mme ba ka sebedisa tokelo ya ho kgetha ho susumetsa mokgwa oo Palamente e bopilweng ka wona, le kamoo setheo se beang ntshetsopele ya basadi ka sehlohong.
Komiti ya Tshebetso ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng.
Lefapha le letjha la Basadi, Bana, le Batho ba sa itekanelang mmeleng le theilwe ho matlafatsa tshebetso ya mmuso ya ho ntshetsa pele le ho sireletsa batho ba sa sireletsehang setjhabeng sa rona.
Leha bongata ba setjhaba sa Afrika Borwa e le basadi , basadi ba ntse ba etsa lenane le lenyane ha ho etswa diqeto . Ho na le diphephetso tse ngata tse thibelang basadi ho ba le seabo se tletseng le ho utlwahala, mme e kgolo ka ho fetisisa ke bofuma. Bofuma ke tshotleho e tobilweng ke basadi ba bangata ba Afrika Borwa, haholo basadi ba mahaeng.
Phihlello ya ditshebeletso tsa motheo tse kang thuto, metsi le thekolohelo e susumeditswe ke ho se lekane ha bong, morabe le dikamano tsa sehlopha. Hore basadi ba be le seabo se tletseng ho etsweng ha molao, phihlello ya bona ya ditshebeletso tsa motheo e tlameha ho ntlafatswa. Basadi ba itlhophereng ba na le phihlello e sa lekanang ya ditheo tse etsang molao.
Bongata ba basadi ba hloka matlafatso ya moruo. Basadi ka setso ke bona sehlopha se futsanehileng ka ho fetisisa Afrika Borwa le ho se sebetse ka ho phethahala kapa ho se sebetse. Hodima moo, HIV/ AIDS e ama karolo e kgolo ya basadi, haholo basadi ba banyenyane ba dilemong tsa ho beleha.
Dikgoka kgahlano le basadi ke bo bong bothata bo boholo ka ho fetisisa bo tobaneng le Afrika Borwa.
Demokerasi ya rona e holang e ntlafaditse phihlello ya basadi ya matla a dipolotiki le ho etsa diqeto. Afrika Borwa hape e fetisitse molao o reretsweng ho lokisa tekano ya bong.
Phephetso ke ho etsa ditokelo di fihlellwe ke basadi bohle.
Kemedi ya basadi ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha e eketsehile ho fihla ho 45%. Afrika Borwa e boemong ba boraro lefatsheng ho ya ka kemedi ya basadi Palamenteng.
Banna ba na le seabo sa bohlokwa ho phihlello ya tekano ya bong setjhabeng sa Afrika Borwa. Banna ba ntse ba eketseha ka bongata ho ema kgahlano le dikgoka ho basadi le bana. Banna ba tlameha ho susumetsa banna ba bang ho fetola maikutlo, mme ba hlomphe basadi. Banna le basadi ba na le seabo sa bohlokwa sa phetoho ya dikamano tsa bong setjhabeng. Ha ho setjhaba se ka lokolohang ka ho phethahala ho fihlela banna le basadi ba sona ba lokoloha le ho lekana, mme tabeng ena, banna le basadi ba na le boikarabelo bo lekanang.
<fn>Hansards. Youth.2009-11-12.st.txt</fn>
Ka selemo sa 1974, puso ya kgatello e ile ya nka qeto ya ho boela e hlahisa molao oo Dr HF Verwoerd a ileng a leka ntle le katleho ho o kenya tshebetsong ka selemo sa 1953 ha a ne a tshwere seboka sa thuto. Puso ya nako eo e ile ya kenya ka kgatello molao wa 50/50 wa hore puo ya Afrikaans ebe leleme le sebediswang bakeng sa ho ruta Matetise le Thuto ya Phedisano, haele Saense, Mosebetsi wa lepolanka, Bonono le Botaki di rutwe ka Senyesemane. Matitjhere le batswadi e bile bona ba pele ho hanana le taba ena.
Ka selemo sa 1975, Makgotla a Dikolo tse supileng a laela basebetsi ho se rute ka puo ya Afrikaans, e leng ho ileng ha qetella ho entse hore baduladitulo ba Makgotla ba lelekwe ke Lefapha la Thuto la Bantu.
Ka selemo sa 1976, lehloyo le mabapi le mokgwa wa tshebetso wa Thuto ya Bantu le ile la nna la hola. Tseleng e lebisang boitsekong ba kgwedi ya Phupjane ka di 16, baithuti ba Soweto ba ile ba ngola lepetjo le neng le ngotswe makenelong a se seng sa dikolo tse phahameng "Kena ho Ithuta, Etswa ho ya Sebeletsa Setjhaba".
Ka kgwedi ya Hlakubele selemong seo puo ya Afrikaans e ne e se e kentswe ka kgatello e le puo ya ho ruta ho tse ding tsa dikolo tsa Soweto, le kgatello ya molao wa 50/50 e ne e se e qala ho phatlalla.
Ka di 17 tsa kgwedi ya Motsheanong tse ding tsa dikolo tsa hlophisa ho ngala dithuto, ba batla hore puo ya Afrikaans e se sebediswe e le leleme la thuto.
Ka kgwedi ya Phupjane, tse ding tsa dikolo tsa hana ho ngola dihlahlobo tsa Dithuto tsa Phedisano ka puo ya Afrikaans mme ba tshosetsa ka hore ba tla ngala dihlahlobo tsohle tsa kgwedi ya Phupjane.
Ka Sontaha sa la 13 kgweding ya Phupjane, ho ile ha tshwarwa kopano moo ho ileng ha qetwa ka hore mohwanto o lokela ho tshwarwa Soweto yohle ka la 16 le 17 Phupjane mme ho tla qetellwa ka mokoloko ka labohlano la la 18 Phupjane. Kopanong eo ya Sontaha seboka se bitswang ka hore ke Komiti ya Tshebetso sa Soweto (SAC) e ile ya thehwa, ka ditho tse pedi ho tswa ho sekolo ka seng dikolong tse phahameng tsa Soweto. Komiti e ile ya thehwa ho rera mohopolo o neng o se ikemiseditswe wa mohwanto wa kgotso.
Komiti ya SAC le bohle ba tlileng kopanong ba ile ba nka kano ya ho boloka ditaba tseo e le sephiri ka di 13 tsa Phupjane, e le hore merero e se ke ya sitiswa ke dihlwela. Matsatsing a mararo ba ile ba tsebahatsa molaetsa mme ba fana ka ditaelo tse potlakileng tsa hore ho tla etsahalang ka letsatsi leo.
Hoseng ha letsatsi la Laboraro ka la 16 Phupjane ka selemo sa 1976, barutwana ho potoloha Soweto ba ile ba kopana dikgutlwaneng tse fetang 12 bakeng sa mohwanto. Balaodi ba ile ba fana ka mabokose a pontsho a ngotsweng ka matsoho mapetjo a jwaloka "Ha e theolwe puo ya Afrikaans" le a reng "Afrikaans ke puo e kgesang morabe".
Letsatsi lena le supa sehlohlolo sa kganano ka batjha ba Aforika Borwa e leng se qadileng pejana, sa tswela pele ho fihlela phihlello ya demokerasi ka selemo sa 1994. Boitseko ba Soweto, ho tjheseha ha kganano ya batjha, ho ile ha susumelletsa letoto la dikganyetso tse ileng tsa fetolwa ho ba morusu ke baetapele ba kgatello. Batho ba bangata ba ile ba bolawa, ba makgolokgolo ba ile ba tshwarwa mme ba bangata ba tswa ka hara naha ho kenela mekgatlo ya dipolotiki e kotetsweng ka ntle ho naha. Bohlokwa ba letsatsi la di 16 tsa Phupjane ka selemo sa 1976 ke mohato wa leeto, le ho supa boitelo ba batho, maikemisetso a tokoloho le ho phela ha setjhaba.
Le fanne ka tshimoloho ya ntlafatso ya mokgwa wa tshebetso wa thuto o hlomphang seriti sa botho, phapano ya botjhaba, tokoloho ya ho kgetha le ho lwanela ho fihlella tekatekano.
Mosebetsi wa batjha ba dilemo tsa bo 70 o phehisitse ka ho sa lekanngweng ho bopa bokamoso ba naha ya rona. Jwaloka baetapele ba kamoso ba ile ba kgona ho hlalosa pheletso e ba lebileng le ho buisana ka motjha oo ba lokelang ke ho o latela. Ka ponelopele, tshebetso le boitelo ba bona ba ile ba kenya moya wa ho lwantsha puso ya kgatello, hoo qetellong ho tlisitseng tokoloho.
Batjha ba ntse ba tswela pele ho bapala karolo ya bohlokwa setjhabeng mme le puso ya demokerasi e ikemiseditse ho ntshetsa batjha pele, bao e leng baetapele ba kamoso le bahlokomedi ba tokoloho ya rona e hlotsweng ka thata. Ditabatabelo tsa batjha jwale di ntshetswa pele ke Lekgotla le letjha le theilweng la Ntshetsopele ya Batjha (YDA) e leng le nketseng sebaka Komishene ya naha ya Batjha le Letlole la Batjha la Umsobovu, jwaloka sebopeho sa puso sa ho shebana le ditaba tsa batjha.
Batjha ba kajeno ba tobane le diphephetso tse ngata tse kenyelletsang ka hare tlhokeho e kgolo ya mosebetsi, tlala le tlolo tsa molao. Tlhokeho ya mosebetsi e atetse boholo ba batjha ka bophara, ho tloha ho ba materiki ho ya ho barutehi ba thuto ya boemo bo phahameng.
Batjha ba Aforika Borwa ba boetse ba shebane le phephetso e tliswang ke mahloko a tsamaiswang ke thobalano le tshwaetso, ho kenyelletsa le HIV/Aids.
Malapa a etelletsweng pele ke batjha le bana a ntse a eketseha ka lebaka la ho hlokahala ha batswadi ka lebaka la ditlamorao tsa mahloko a nkang monyetla a amanang le HIV/AIDS, jwaloka TB.
Phephetso e ka sehloohong e tobaneng le naha ke ya ho hlokomedisa batjha ka boitshupo ba bona, ho ela hloko nalane ya bona le ho ba phahamisa moya ka hore ba rate naha ya bona. Ha re lekola ka ho sheba thahasello e bontshitsweng ke batho ba batjha dikgethong tsa bone tsa demokerasi, ena ke ntwa e hlolwang.
Puso ya temokerasi e beile metheo e jwaloka Leano la Ntshetsopele ya Naha la Batjha (NDA) e fuweng matla a ho sebetsana le ditaba tsohle tsa batjha, ho tloha ho maano a moralo ho ya ho ntshetsopele. Letona Ofising ya Moporesidente ke yena ya ikarabellang leanong lena. Leano la NDA ke motheo o qadilweng ke mmuso ho arabela ka ho otloloha diphephetsong tsa moruo tseo batjha ba tobaneng le tsona, mme jwaloka letlole la ntshetsopele la ditjhelete le reretswe ho theha sebaka sa theho ya mesebetsi, ntshetsopele ya bokgoni, le phapanyetsano ya bokgoni bakeng sa batjha ba Aforika Borwa.
Kelohloko le ho hatella bohlokwa ba thuto di bontshwa ke taba ya hore Thuto ya Motheo le Thuto e Phahameng di na le Matona a arohaneng, ho netefatsa hore maikarabelo a bona a elwa hloko.
Palamente e na le dikomiti tse jwaloka Komiti ya Potefolio ya Ditaba tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang, le Komiti ya Tshebetso ya Ditaba tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang, tse lokelang ho sebetsana le ditaba tsa Batjha. Dikomiti tsena di ikarabella ho tekolo ya tswelopele ditabeng tsa batjha mme di tlameha ho shebana le molao o amang batho ba batjha.
Palamente mosebetsing wa yona wa phethahatso ho etsa melao, e fetisitse melao e mengata jwaloka Molao wa 2003 wa Phano ya Matla a Moruo ka ho otloloha ho Batho Batsho, Molao wa 1998 wa Ntshetsopele ya Bokgoni, le Molao wa Tekatekano ya Mesebetsi.
Palamente boikarabelong ba yona ba tekolo ya tswelopele, e etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong melawana e lokelang hoba melao e leng e kenyelletsang le e lebisitsweng ho batjha ba naha.
Ho etsa hore Palamente e fihlellehe ha bobebe, ho na le lenane le bitswang ka hore ke "Ho kopana le Ditho tsa Palamente" moo batho ba batjha ba ka kopanang le setho se itseng sa Palamente ka ditaba tse hlokolotsi ho bona. Ba ka boela ba hlahisa maikutlo a bona ka ho bua kapa ho ngola ditlhahiso.
Batjha ba boela ba etsa karolo ya setjhaba se etelang Dikopano tsa Dikomiti, e leng moo boholo ba mosebetsi wa Palamente bo etsahalang teng, ba ka boela ba eta ha Palaemente e dutse ho nka malebela ka ho sheba, ho eketsa tsebo le ho imatlafatsa.
Palamente e na le mehopolo e mengata eo sepheo sa yona e leng ho shebana le dikarolo tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha (e tshwarwang ka Kgwedi ya Batjha) moo ho buuwang ka ditaba tse hlokolotsi tsa batjha le moo seabo e leng feela sa batho ba batjha, mme le tsamaiso e lebisitswe ho bona.
Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba mesebetsing le diketsahalong tsa bona, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba menngwa kgafetsa ho nka karolo mehopolong ya Palamente, e jwaloka Dikopano tsa Mmuso le Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang a ho fihlella setjhaba le ho ba le seabo ha setjhaba.
Pamphitshana ena e fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong tsa Aforika Borwa.
<fn>Hansards. YouthDay.st.txt</fn>
Sehlooho: "Palamente e kgathallang e phahamisang ntshetsopele ya batjha ho fihlella tokoloho ya ekonomi."
"Nalane ya rona ha esale e qobella batjha ba rona ho nka boikarabelo ba sa le banyane dilemong. Ebile balwanedi ba tokoloho ka nako eo ba neng ba lokela ho bapala kapa hoba sekolong. Jwale batjha ba Afrika Borwa ba tobane le diphephetso tse kgolo ka lebaka la dilemo tse ngata tsa ho hanelwa dintho, merusu le thuto e sitisitsweng. Sebete le boinehelo ke dintho tse tla hlokahala bakeng sa ho ka hlola ditshitiso le hore batjha ba natefelwe ka ho phethahala ke dikuno tseo demokerasi e ba tshwaretseng tsona."
La 16 Phupjane le ile la phatlalatswa ele letsatsi la phomolo la setjhaba ke mmuso wa demokerasi wa Afrika Borwa ka mora 1994. Hona ke ho ikgopotsa mohwanto wa batjha o ileng wa etsahala ka Phupjane 1976. Kgwedi kaofela e behelletswe ka thoko ho keteka ntwa ya batjha ba Afrika Borwa kgahlano le mmuso wa kgethollo.
Letsatsi lena le bontsha kganyetso ya batjha ba Afrika Borwa, e qadileng ka 1976 mme ya tswela pele ho fihlela ho eba le demokerasi ka 1994.
Ntwa ena ka batjha e ile ya lebisa ho ntshetsopele ya mokgwa wa thuto o hlomphang seriti sa botho, botjhaba bo fapafapaneng, mmoho le tokoloho ya ho kgetha, ebile e tsitlallela ho netefatsa phumantsho e lekanang.
Batjha ba dilemo tsa bo70 ba bile le seabo se seholo ho aheng bokamoso ba naha ya rona.
Ba tswela pele ho bapala karolo ya bohlokwa setjhabeng, mme mmuso wa demokerasi o inehetse bakeng sa ntshetsopele ya batjha, jwaloka baetapele ba kamoso le bahlokomedi ba tokoloho ya rona e fumanweng ka thata.
tlhokeho ya phumantsho ya ditshebeletso tsa motheo.
Sekgahla sa HIV/AIDS se amme haholoholo batjha. Palo ya batjha mmoho le malapa a etelletsweng pele ke bana e ntse e eketseha ka lebaka la ho hlokahala ha batswadi ka lebaka la malwetswe a amanang le HIV/AIDS, a jwaloka TB.
Puong ya hae ya ho Bulwa ha Palamente, Moporesidente Jacob Zuma o ile a phatlalatsa 2011 ele selemo sa ho thewa ha mesebetsi. O boletse hore ho thewa ha mesebetsi ho lokela ho rerelwa ho matlafatsa ntshetsopele ya batjha.
Bakeng sa ho leka ho fedisa tlhokeho ya mosebetsi, mmuso o fana ka tjhelete bakeng sa ditjeho tsa ho hira batjha ele ho kgothalletsa sekethara ya poraefete ho hira batho ba se nang boitsebelo ba mosebetsi.
Dintlha tsa thuto, tsebo ya mosebetsi le ntshetsopele ya dikgwebo tse nyane bakeng sa batjha ebile tsa sehlooho puong ya tekanyetso tsa ditjhelete ya Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan, bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2011/2012.
Letona la Ditjhelete le bontshitse hore thuso ya ditjhelete ya baithuti e tla matlafatswa ho neha batjha ba bangata phumantsho ya thuto e phahameng le dikholeji tsa thupello, bakeng sa ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi. Tjhelete e ngata e ile ya kenngwa Letloleng la Tsebo ya Mosebetsi la Naha, le nehelanang ka ditjhelete bakeng sa thupello ya batho ba batlang mosebetsi.
Lenaneo la Naha la Thupello ya Batjha ba Phehang, le qadilweng ke lefapha la Bohahlaudi, ho fana ka tsebo ya mosebetsi, tsebo le tsebo e kenelletseng ya mosebetsi ho batjha hore ba tsebe ho iphumanela mesebetsi indasetering ya bohahlaudi.
Mmuso wa demokerasi o beile maano a jwaloka Ejensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha (NYDA), eo mosebetsi wa yona ka molao eleng ho sebetsana le dintlha kaofela tse amang batjha, ho tloha ho lenao la ntshetsopele.
NYDA e ile ya thewa ke mmuso ho arabela ka ho otloloha diphephetso tsa ekonomi tse tobaneng le batjha, mme hape jwalo ka Ejensi e fanang ka ditjhelete ya ntshetsopele, e matlafaditswe bakeng sa ho etsa polatefomo ya ho thewa ha mesebetsi, ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi, le ho fetisetswa ha tsebo ya mosebetsi batjheng ba Afrika Borwa.
Ho tsebahatsweng ha sehlooho: "Palamente e kgathallang e phahamisang ntshetsopele ya batjha ho fihlella tokoloho ya ekonomi," Palamente e entse dipolatefomo tse fapaneng ho shebana le dintho tse amang batjha.
Komiti ya Tshebetso ho tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang.
Dikomiti tsena di ikarabella tekolong ya tswelopele dinthong tse amang batjha mme di tlameha ho sebetsana le molao o fetisitsweng o amang batjha.
Palamente e na le matsapa a fapaneng a lebisitsweng ho disekethara tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha (e tshwarwang nakong ya Kgwedi ya Batjha) moo teng dintlha tse amang batjha di tshohlwang teng. Ho dumelletswe feela batjha ho nka karolo mme diketsahalo di lebisitswe ho bona.
Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba dinthong tseo e di etsang, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba mengwa kgafetsa ho nka karolo matsapeng a Palamente, a jwaloka dipuisano tsa nonyo ya maikutlo a Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang ao ho fihlellwang ka ona setjhaba mmoho le a ho ba le seabo ha setjhaba.
Ba ka boela hape ba etsa hore mantswe a bona a utlwahale ka ditlhahiso tsa molomo kapa tse ngotsweng.
Batjha ba boetse e eba karolo ya setjhaba e ka yang Dikopanong tsa Dikomiti moo mosebetsi o moholo wa Palamente o etsahalang teng, mme batjha ba ka eta ha Palamente e dula ho hlwela maemo, ho iphumanela tsebo le ho imatlafatsa.
<fn>JT2009_Vol2_Sotho.txt</fn>
Ho ya ka molao, motho e mong le e mong o lekana le ba bangmme ha a lokela ho kgethollwa.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela.
O ke ke wa kwallwa ntle le ho iswa tekong kapa wa hlekefetswa ka tsela efe kapa efe.
O ke ke wa etsiswa ketso tsa bokgoba.
Tokelo ya hao ya boinotshi e kenyeletsa mmele, lelapa le dintho tsa hao.
O na le tokelo ya ho nahana, ho dumela le ho rapela ka mokgwa oo o ka ikgethelang ka oona.
O na le tokelo ya ho bua, ho bala le ho ithuta kaseo o ikgethelang sona empa puo ya lehloyo ha e adumellwa.
O na le tokelo ya ho kgobokana, ho etsa pontsho ya tletlebo le ho ipelaetsa ka kgutso.
O na le tokelo ya ho ikamahanya le motho ofe kapa ofe.
O ka theha mokgatlo wa polotiki, wa kenela dikgetho tsa botsamai-si le ho kgetha mokgatlo ofe kapa ofe dikgethong tse lokollohileng tse tsamaiswang ka tshwanelo.
Ha ho moahi ya ka hanelwang boahi.
O na le tokelo ya ho kena le ho tswa Riphaboliking ka thato yahao.
O na le tokelo ya ho kgetha kgwebisano efe kapa efe e molaongkapa mosebetsi ka bolokollohi.
Mosebetsi le ramosebetsi e mong le e mong o na le tokelo ya hohlophisa le ho buisana le ba bang ho ntshetsa pele maikemisetsoa hae.
O na le tokelo ya ho dula tikolohong e tshireletsehileng, ya bophelo bo botle.
Ha ho motho ya ka hanelwang ho ba le thepa, ntle le ho ya kamolao wa tshebediso ka kakaretso.
O na le tokelo ya ho ba le ntlo e tshwanetseng.
O na le tokelo ya tlhokomelo ya bophelo, dijo le metsitse lekaneng le tshireletso ya setjhaba.
Ngwana e mong le e mong o na le tokelo ya ho bale lebitso, botjhaba le tshireletso ya tlhekefetso le hotshwaro e mpe/sa lokang.
O na le tokelo ya thuto ya motheo ka puo ya semmusoya kgetho ya hao.
O na le tokelo ya ho sebedisa puo ya kgetho ya hao leho etsa setho sa heno.
O na le tokelo ya ho theha, ho kenela le ho hlokomela dihlophatsa setho, puo le bodumedi tsa kgetho ya hao.
O ka fihlella tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke mmuso bakeng sa ho tshireletsa ditokelo tsa hao.
O na le tokelo ya ketso ya botsamaisi e molaong, e utlwahalang le e lokileng.
O na le tokelo ya ho rarolla dingangisano tsa molao lekgotleng la dinyewe kapa lekgotleng le leng le itseng.
Ha o tshwerwe, o na le tokelo ya ho thola, ho hlaha ka pelalekgotla la dinyewe nakong ya dihora tse 48 le tokelo ya kemediya molao.
Ela Hloko: Ditokelo tsena kaofela di ka lekanyetswa ebang ho loketse ho etsa jwalo. Bakeng sa tlhahisoleseding e fetang ena, sheba Karolo ya 2 ya Molao o motjha wa Motheo. Sena ke Bili ya Ditokelo tsa Botho e bebofaditsweng.
Ha ho shejwa dilemong tse 15 tse fetileng, ho hlakile ho balebedi hore Afrika Borwa e itlositse nakong e mpe e fetileng ho kgothalletsa Ditokelo tsa Botho tse hlomphehileng matjhabeng. Mookotaba wa ditaba tsena ke Toka Kamoso, ka ha re ananela dikatleho tsa rona mme re hlahisa diporojeke tsa rona tsa nako e tlang tse lokelang ho ntlafatsa maphelo a batho ba bo rona ka Phihlello ya Toka Bathong kaofela.
Kamohelo ya matjhaba ya maiteko a rona ntlafatsong ya Ditokelo tsa Botho e tlile ka mekgwa e mengata dilemong tsa ho feta. Ditlhophisong tse fetileng re qollotse ho theoswa mesebetsing ha bahlanka ba bang ba ka hodimo ba molao ho ya mekgatlong ya matjhaba. Tlhophisong sena, re teka diqeto tsa Khonferense/Kopano ya Lefatshe ya Toka ya Molao wa Motheo, e etsahetseng Kapa. E tshwerwe ke Lekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo la Afrika Borwa le Khomishene ya Venice ya Khansele ya Yuropa, mokete ona o kopantse baahlodi ho tswa makgotleng a dinyewe a ka hodimo lefatsheng ho tshohla ntshetsopele ya metheo ya ditokelo tsa botho lefatsheng ka bophara, le katleho ya yona ho potoloha le lefatshe.
Ho tshwara mokete wa mofuta ona Afrika Borwa, ho hlahisitswe ke bahlophisi e le kananelo ya dikatleho tsa naha ena areneng ya Ditokelo tsa Botho, haholoholo tabeng ya puso ya rona e fetileng eo e neng e sa amohele tekatekano ya Ditokelo tsa Botho ho baahi kaofela.
Selemong sena, Afrika Borwa le yona e ketekile dilemo tse 15 tsa Ditokelo tsa Botho, ka ho tshwara ketsahalo e kgolo Lebaleng la dipapadi la Galeshwe, Kimberley. Ona e ne e le mokete o moholo wa naha wa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho mme o ne o etelletswe pele ke MoPoresidente Kgalema Motlanthe le Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Enver Surty. Ketsahalo ena e bontshitse dikatleho tseo setjhaba sa rona se bileng le tsona tshireletsong le matlafatsong ya Ditokelo tsa Botho tseo re di thabelang kajeno. Dikatleho tse etsweng hloko ke Moporesidente le Letona nakong ya puo ya bona di hlalositswe ka ho otloloha diathikeleng tse mmalwa tseo re di kopanyeditseng babadi ba rona tlhophisong ena.
Re sheba morao dikatlehong tse entsweng ditabeng tse amanang le tsamaiso ya toka jwaloka kaho le ntlafatsong ya makgotla a dinyewe; tswelopele ka Ditshwarelo tsa Moporesidente, ho fokotseha ha dinyewe tse salletseng morao tsa makgotla a dinyewe le tswelopele tse etseditsweng bomaseterata ho matlafatsa basadi merusung ya malapa.
Mmuso naheng kaofela ho fihlella sepheo se le seng.
Doporojeke tse lebelletsweng ho ba le kameho e ntle tsamaisong ya toka nakong e tlang di kenyeletsa dintlafatso Mokgwatshebetsong wa Bophethahatsi ba Toka mabapi le ditlolo tsa molao/bosenyi; dibili tse ntjha tse robong tse hlahisitsweng ke Lefapha Palamenteng selemong se sa tswa feta; Lenaneo la Baemedi ba Baithuti ka tshebedisano mmoho le mafapha a molao a yunivesithi le tlhahiso e tswetseng pele tefellong ya ditjhelete tsa elektroniki, tse jwaloka ka tjhelete ya kgodiso ya bana.
Ditaba tsena le tse ding di kenyeleditswe tlhophisong ena. Hopola ho sheba dikhopi tsa Toka Kajeno ka puo eo e leng ya hao. Ena ke karolo ya matsapa a rona ho fihlella babadi ba bangata le ho fumantsha phihlello e tletseng ya tlhahisoleseding. Re kgolwa hore o tla fetisetsa tlhahisoleseding ena ho basebetsimmoho le wena, batjha le maloko a lelapa ho ba matlafatsa ho fihlella ditshebeletso tsa toka.
E tla fana ka monyetla ho ba tsa toka, barupelli ba tsa molaole ditsebi tsa molao hore di fapanyetsane ka tlhahisoleseding, di abelane mehopolo, dikgopolo tsa molao le ho thehadintho tse tla etella pele boikemelo ba tsa toka setjhabengsa demokerasi, ho rialo Letona ka nako eo le neng le bulainstitjhute e ntjha ka la 8 Mmesa 2009 mane Lekgotleng laMolao wa Motheo.
Institjhute e tla hahuwa mane tikolohong ya ConstitutionalHill e Johannesburg. Yona e tla tiisetsa hore ho ba le thupelo le ntlafatso ya bokgoni ba bahlanka ba tsa toka mona Afrika Borwa mme e sebetse jwalo ka mokgwa wa boikemelo batsa toka, o nang le bokgoni, boikarabelo le ntshetsopele yatsamaiso ya mokgwatshebetso wa molao ka hara naha.
Letona le fane hape le ka Totjhe ya Kgotso ho Modulasetulo wa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho, Brigalia Bam. Leitse hona ke sesupo sa hore mmuso o etse hloko bohlokwa badikgetho tse lokolohileng hape tse se nang leeme.
O itse taba ya phepetso ho tsa toka e na le tshusumetso yanako ya kgethollo. "Tlasa tshebetso e ntjha, e thehilwenghodima Molao wa Motheo le tshepetso ya molao, baahlodi, phethahatso le ketsamelao di na le seabo ho lokisengtshepetso ya nako e fetile," ho buile Letona.
Re rata ho nehelana ka Totjhe ena ya Kgotso ho wena jwalo ka mohlokomedi wa dikgetho tse lokolohileng hape tse senang leeme, ke letona leo. Totjhe, e nehwang mafapha a fapaneng a mmuso jwalo ka letshwao la tshehetso yamatsholo a itseng, hape e bontsha le maikemisetso a mmusoa ho lwantsha tlhekefetso ya basadi le bana.
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Advocate J De Lange o itse ho hlongwa ha Institjhute ya Toka ke mosebetsi o mong wa bohlokwa wa ho tebisa le ho matlafatsa demokerasi. "Institjhute ena e sa tswa sibollwa e tlantshetsa pele bokgoni ba baahlodi, bomakgistrata le bahlankaba tshwanetseng bakeng sa ho sebetsa haholoholo ka ditabatsa bohlokwa tsa toka le tsamaiso ya makgotla a dinyewe."
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo o itse bajete e bonahalang e beehetswe ka thokobakeng sa ho etsa bonnete ba hore morero ona o sa tswasibollwa o kengwa tshebetsong le ho tsamaiswa hantlehaholo. Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa Pius Langa o ile a toboketsa hodima bohlokwa ba tshebetso tsa toka tse se nangleeme, tse sebetsang hantle haholo hape tse nang le bokgoni.E nngwe ya ditsela tse sebetsang hantle haholo ya ho tiisetsahona, jwalo ka ha a hlalositse, ke ho ba le thupelo le thuto etswelang pele ya bahlanka ba tshebetso tsa toka. Moahlodi eMoholo hape o itse Bahlanka ba Tshebetso tsa Toka ba lokela ho tlohela mekgwa e sitisanang le mesebetsi ya bona ha basebedisa molao.
Moahlodi e Moholo o ile a tsebisa ditho tse ntjha tsa Institjhteya tsa Toka, e leng ba tla e laola mme ba etse bonnete ba hore e phethisa thomo ya yona. Modulasetulo wa khanseleke Moahlodi e Moholo, mme Motlatsi wa Modulasetulo keMotlatsi wa Moahlodi e Moholo, Dikgang Moseneke.
Ditho tsa khansele ya rona di hlaha ho baahlodi, bomakgistrata, barupelli ba tsa molao le tlung ya baetapele basetso. Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le Adv J De Lange le bona ke ditho tsa Khansele ena.
Kabelo ya ka tsamaisong ya mmuso ho tloha esale ANC e kena pusong dilemo tse 15 tse fetileng e ne e ntse e le haholo ka lehlakoreng la molao, Lekgotleng la Diporofense tsa Naha hape le lekaleng la Thuto. Puso ya ANC e ile ya nka tsamaiso e sa sebetseng hantle ya thuto mme ho ba karolo ya ho lokisa botjha ebile ketsahalo e thabisang ebile e phephetsang.
Ho hirwa ha ka ho ba Letona la Toka dikgweding tse supileng tse fetileng pele ho mafelo a karolo ya tsamaiso ya hona jwale, ke tlotla le monyetla o moholo haholo ho kenya letsoho lekaleng leo le nna ke ntseng ke le rata haholo, tsamaiso ya toka. Le ha ke ile ka phehisa dibopehong tsa mokgatlo tse neng di rala leano la ANC ntlheng ya ho fetola lefapha la toka, ho hiruwa ha ka potefoliong ya Toka, ka tsela e jwalo e bile pitso ho tla kenya leano tshebetsong.
Ketsahalo ya pele eo ke e boneng potefoliong ya Toka ke e neng e sa lebellwa. Dilemong tse 15 tse fetileng tsa Puso e eteletsweng pele ke ANC, ho kgathilwe tema e kgolo ho theha taolo le tsamaiso ya molao hape le tsamaiso e phethahetseng ya toka. Ha jwale re na le tshepo e tiileng ho hlaha setjhabeng ka tsamaiso ya toka hape le makgotla a dinyewe ho feta kamoo maemo a neng a le ka teng pele ho kena puso ya demokerasi.
Ho se ho ahilwe makgotla a dinyewe a matjha a fetang 28 dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong ya puso ya kgethollo (apartheid) mme a fetang 50 a ile a kengwa finitjhara e ntjha. Ho thehwa ha Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka le Khomishene ya Dimakgiseterata ho fetotse tjhadimo ya toka mabapi le morabe le bong makgotleng a dinyewe a fatshe le a phahameng. Le ha ho le jwalo, ho sa na le dintho tse ngata tse tlamehileng ho etswa, haholoholo lehlakoreng la ho hira baahlodi.
Ntle ho mehato ena ya bohlokwa e sebediswang ho kena dipakeng, re ntse re saletse morao haholo dibakeng tse ding tsa bohlokwa tse tla hlakisa tsamaiso ya toka e sireletsang le ho arabela ka hohlehohle ditabatabelong tsa setjhaba sa Afrika Borwa se lokelang ho fumana tshebeletso. Pampiring ena ke hlakisa dibaka tse ding mme ke hlahisa dintlha tsa tswelopele mananeong a phetoho.
Tlasa puso ya kgatello ho ne ho ahilwe makgotla a dinyewe a nang le disebediswa tse betere ditoropong le metseng e hlabolohileng ya mehleng ya ba basweu sepheo e le hore di tle di sebeletse palo e nyenyane ya ba ba basweu empa ka lehlakoreng le leng baahi ba batho ba batsho ba ne ba thuswa tlasa maemo a mabe haholo moo ho se nang disebediswa Makgotleng a dinyewe a Makala le a Nakwana. Ka molao wa kakaretso, makgotla a dinyewe a fuwe matla a nang le moedi mme a sebetsana fela le dinyewe tsa botlokotsebe. Makala a makgotla a dinyewe a thehilwe ho sebetsana fela le dinyewe tsa botlokotsebe. Ho thehwa ha Makala a makgotla a dinyewe a mmalwa makeisheneng a batho ba batsho moo molao o neng o sebetsana fela le botlokotsebe ho sisinya hore botlokotsebe bo etswuwa haholo dibakeng tseo. Makgotla a dinyewe a Nakwana a ne a sebetsa ka mokgwa o jwalo hantle.
Makgotla ana ka bobedi ba wona, Makala a makgotla a dinyewe le Makgotla a dinyewe a Nakwana a ne a sa fuwe ditekanyetso dife kapa dife tsa ditjhelete (bajete) bakeng sa basebeletsi ba ona empa a ne a itshetlehile disebedisweng tse hlahang makgotleng a phahameng a dinyewe ditoropong le metsemeholong. Sena se bolela hore bahlanka ba hloka dipalangwang ho leba lekgotleng le phahameng la dinyewe le lekaleng la lekgotla tsatsi le leng le le leng. Sephetho sa sena e ne e ba tsamaiso le taolo e fokolang ya disebediswa mme sena se baka hore phano ya ditshebeletso e be ya boleng bo fatshe eo makgotla a dinyewe a fanang ka yona dibakeng tsa mehleng tsa batho ba batsho. Ntlha ya hore ho se tshwarwe dinyewe tsa setjhaba le tse ding tse jwaloka tlhokomelo ya bana ka ditjhelete kapa tlhekefetso ka malapeng makgotleng ana a dinyewe e thathafatsa ho fihlela makgotla a dinyewe bakeng sa baahi/ setjhaba se dulang haufinyane le makgotla ana a dinyewe. Ke kahoo ho ileng ha qalwa botjha ka ditlhophiso tsa mosebetsi mme sena ke sa bohlokwa haholo.
Tlhophiso e ntjha ya makgotla ana a dinyewe hore e be makgotla a phahameng e tla tlisa taolo le tsamaiso e phethahetseng ya disebediswa ditsheng tsa tshebeletso moo di hlokehang teng mme ka tsela e jwalo, di fokotsa tshenyo le nako e sebediswang ke bahlanka ha ba palama ba leba dibakeng tse mahareng a makgotla a phahameng le Makala a makgotla a dinyewe. Tsamaiso ya ho hlophisa botjha Makala a makgotla ana a dinyewe ho ba ditshebeletso tse phathahetseng tsa makgotla a dinyewe ke karolo ya letsholo la ho amahanya makgotla a dinyewe a mabatowa le meedi ya diporofense le dimasepala tse thehilweng tlasa Molao wa motheo.
Molao o fetolang maemo a Makala a Makgotla a dinyewe o tla phatlalatswa haufinyane e le Tsebiso Koranteng ya Mmuso. Letsatsi la ho kenya diphetoho tsena tshebetsong ke la 01 Phupu 2009. Ho tloha ka la 01 Phupu 2009, makgotla ana a dinyewe a 15 a tla qala ho ba makgotla a ikemetseng ka bokgoni bohle ba ho fana ka ditshebeletso tse fapaneng tsa makgotla a dimakgiseterata, ho kenyeletswa ditshebeletso tsa ho thusa setjhaba ka mola hape le ka malapeng, tlhekefetso ka malapeng le ditshehetso tsa bana ka ditjhelete. Makgotla ana a dinyewe a tla sebedisa matla a wona a molao dibakeng tseo a ahilweng ho tsona. Tlhaloso e feletseng ya dibaka tsena le dimmapa tsa tsona di tla phatlalatswa e le Tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Baahi ba dulang makeisheneng le mahaeng moo makgotla ao a dinyewe a leng teng, ha ba sa hlola ba kena maetong ka ditjeo tse phahameng ho fumana ditshebeletso tse jwaloka tshehetso ya bana ka ditjhelete le ho etsa boipiletso ka letlotlo le siilweng ke mofu, ha ba sa hlola ba leba makgotleng a ditoropong tse kgolo le metsemeholong. Sena se tla thusa ho fokotsa tshubuhlellano makgotleng a phahameng a dinyewe. Makgotla a mangata a mabotoweng a ka sehlohong a subuhlellane haholo mme disebediswa di a haella hobane di otlollwa haholo ho feta tekano ka lebaka la tshubuhlellano.
Ho fetolwa ha Makala a makgotla a dinyewe ho ba makgotla a ditshebeletso tse feletseng ho tla fedisa tshubuhlellano mananeng a makgotla a dinyewe tse ka sehlohong e leng moo a hulwang teng. Ho neha makgotla disebediswa tse hlokehang mahaeng ho tla kenya letsoho ntlafatsong ya maphelo a baahi ba mahaeng ho latela ditshepiso (manifesto) tse entsweng ke mokgatlo o busang, o hlwaileng ntshetsopele ya mahae e le e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa pusong e kenang ya ANC.
Ho fetolwa ha lekala la disherifi e tla ba ntlha e shejwang ka leihlo le ntjhotjho ha ho lekolwa botjha tsamaiso ya toka setjhabeng, e bonahalang e le motjheng tsamaisong e ntjha e tla kena. Tekolo botjha e tla shebana le ho tshebediso e phethahetseng ya Lekala la Ditsebiso le Dikgokahano ka Thekenoloji (ICT), e fana ka menyetla ya ho fetola lekala mme e ahe tsamaiso ya toka setjhabeng e nang le serithi, e potlakang ebile e fihlelwang ke batho..
Tshebeletso ya lekgotla ya ho tlisa lekgotla lemating la hao e kentse letsoho haholo ntlheng ya ditiehiso tse telele ntlheng ya ho phethela ditsamaiso tsa lekgotla mme sephetho sa sena e ba ditjeo tse kgolo tse amanang le ho lwantshana le ho sireletsa dinyewe. Ntjhafatso ya tsamaiso ya tshebeletso ya molao setjhabeng e boetse hape e hloka kutlwano le tshebedisano ya melao ya makgotla ho phumola ditsamaiso tsa makgotla tsa sekgalekgale mme ho tlamahangwe melao ya Makgotla a Phahameng le Makgotla a Manyenyane. Melao e thata haholo mme ha e utlwisisehe ha bonolo mme sena se sitisa tsamaiso ya toka setjhabeng e leng ntlha ya bohlokwa e sireleditsweng ke Molao wa motheo.
Porofeshene ya Disherifi, jwaloka institushene e tshepuweng ka ho fana ka tshebeletso le ho ntshetsapele ditsamaiso tsa lekgotla e hlahela e le kgokahano ya bohlokwa haholo ketaneng ena ya tsamaiso ya toka setjhabeng. Nakong ya puso ya kgethollo, Disherifi, jwaloka boemedi bo bong le bo bong ba molao ba nako eo, ba ne ba kenya ditaelo tsa lekgotla tshebetsong mme seo batho ba bangata ne ba se bona e se tshebetso e molaong ho ya ka tjhebo ya bona. Kamora ho ba demokerasi e kene tshebetsong, ba ile ba qala ho ba le kabelo ya bohlokwa mme ba hlahela jwaloka boemedi bo ka sehlohong mahareng a tsamaiso ya toka le setjhaba. Ba bangata e bile baemedi ba tsamaiso ya toka setjhabeng. Kantle ho Sherifi, ho tla ba thata ho sireletsa moikarabedi nakong eo a hlahelang ka pela lekgotla kapa hore diqeto tsa lekgotla le ditaelo tsa lona di kengwe tshebetsong.
Ke kahoo ho leng bohlokwa hore diseherifi ka botsona e be karolo ya molao e phethahetseng mme di sebedise matla a tsona ho latela molao le Molao wa motheo. Lefapha, tlasa boetapele le tataiso ya Motlatsaletona wa ka, Adv Johnny de Lange, ke kahoo re ileng ra phethela sebopeho se setjha le ditlhophiso tse ntjha tsa diofisi tse fapaneng tse nang le dikgeo tsa disherifi e le ho bopa ditsha tsa tshebetso tseo batho ba ka di fihlellang hape di potlakise tshebetso.
Ditlhophisong tsena tse ntjha, ho ile ha hlahiswa dikgeo tsa mosebetsi diofising tse 90 tsa disherifi mme di ile tsa phatlalatswa naha ka bophara. Ho ile ha boela ha hlaha tse 21 ho hlaha diterekeng tse nyenyane tsa dimakgiseterata tse kopaneng ho bopa diofisi tsa disherifi tse tsitsitseng ebile tse sebetsang ka potlako. Dikgeo tsa diofisi tsena di tla phatlalatswa ka kgweding ya Motsheanong 2009.
Melao e fanang ka mekgwa e metjha ya tshebetso e pepeneneng le maikemisetso hape le mananeo a thupelo bakeng sa disherifi tsohle e phatlaladitswe ka Tshitwe 2008. Ke kopile dimakgiseterata le ditsebi tsa molao ho itlhahisa ho tla sebetsa Dikomiting tsa Boeletsi tse ntseng di thehwa diporofenseng tsohle e le hore ba tle ba sisinye mabitso a bonkgetheng ba tshwanetseng ho thongwa ke Letona.
Basweu tse neng di phela metsetoropong le dibakeng tse tswetseng pele ha batho ba batsho bona ba phela dibakeng tse sa hlabolohang mahaeng.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa ke ho phethela le ho phatlalatsa melao ya makgotla a dinyewe bakeng sa ntshetsopele ya porofeshene e bontshang tlhodisano. Melao ena e dumella Letona ho thonya Disherifi tse pedi kapa ho feta, dibakeng tse tshwanetseng. Kaofela ho hlwauwe dibaka tse 14 tse bonahalang e ka ba tsona tse hlodisanang mme tse tla fuputswa ke Lefapha le Boto ya Disherifi. Ntlha ya pele, mosebetsi ona o tla fana ka monyetla bakeng sa ho hlahisa mesebetsi e meng ya tlatsetso e tla tlatswa ke bonkgetheng ba tla ntshetsa pele tlhabollo le ho tlisa diphetoho mme ntlheng ya bobedi tlhodisano e tla matlafatsa boikarabelo le tshebetso e potlakileng. Tsena tsohle di tla fuputswa makaleng a tlatsetso a dibaka tse kgolo dibakeng tsa dimakgiseterata tsa metsetoropo e meholo hore e be diofisi tse nyenyane, tse phethahetseng mme tse laolehang moo ho tla thongwa disherifi tsa palo e itseng ho netefatsa hore mosebetsi o tla arolelwana ka ho lekana.
Dipehelo tsa molao di hlahisitse hore disherifi di tlamehile ho leba thupellong e ba tlamang e tla ba matlafatsa ho potlakisa tshebetso le ho netefatsa hore ba sebetsa ho latela molao hape ba hlompha dintlha tsa bohlokwa tsa molao wa motheo tsa porofeshene ena tse ileng tsa thunthetswa ke tlhekefetso ya nako e fetileng le ho hloka tlhompho ditokelong tsa setjhaba le ditokelong tsa botho.
Ho haufinyana empa ho sa le sebaka moo re lebieng teng.
Bili ya Makgotla a Phahameng le Bili ya Tsamaiso ya Molao di arolelana dintlha tse mmalwa tse tshwanang: Ka bobedi ba tsona di leka ho rarolla ho swahlamana ho nkuweng pusong ya kgethollo ka ho theha tsamaiso e nang le mabaka ebile e kopaneng ya toka hape le porofeshene ya toka ka ho lekana; ka bobedi ba tsona di na le nalane e sa kgahliseng ya dingangisano tse matla, ditherisano le diphapanyetsano; bobedi ba tsona di bohareng ba phumantsho ya tshebeletso ya toka bakeng sa motho mang kapa mang eo esale a ntse a hanelwa ho fumantshwa toka ka lebaka la tiehiso ya ho phethela dikarolo tsena tsa bohlokwa tsa molao tsa diphetoho. Puo e reng: Tiehiso ya toka ke ho hanela tshebetso ya yona mme ena ke puo e ke keng ya toboketswa ho feta mona.
E meng ya mehato ya bohlokwa leanong eo Bili ya Makgotla a Phahameng e lekang ho fana ka tharollo ho yona, hara tse ding, mabaka a sebopeho sa yona, dibaka tsa tshebetso tsa molao le dibopeho tsa Makgotla a Phahameng a dinyewe ao boholo ba ona le jwale a ntseng a thehilwe ho latela Molao wa Lekgotla le Phahameng la dinyewe wa 1959 hore o tle o tshwanele taolo ya molao wa motheo wa kamora 1994. Bili e tla boela hape e tlisa kutlwisisano mahareng a makgotla a Phahameng a dinyewe le Lekgotla le Phahameng la Boipiletso ka ho tiiseletsa lekgotla lena e le le ka sehlohong Riphaboliking, e bebofatse kgokahano mahareng a Lekgotla la Boipiletso la Basebetsi le Lekgotla le Phahameng la Boipiletso (SCA) le Makala ka Kakaretso a Lekgotla le Phahameng ka tatelano; e fedise boipiletso ba (moifo wa banka) ka botlalo mohatong wa Lekgotla le Phahameng mme e thehe Dikarolo tsa Setereke bakeng Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le tla sebetsana le dintlha tsohle tsa boipiletso tse hlahang Lekgotleng le Phahameng; hape le ho fana ka kutlwisiso ya mabaka a molao a diphetoho bakeng sa makgotla ohle.
Ho na le dibaka tse tshwanang tseo ho fihleletsweng tumelano ka tsona hodima tse ding tsa dintlha tse boletsweng ka hodimo mona, nakong ya ditherisano ka boemedi bo kenyeletsang nna le Molaodikakaretso wa ka ho hlaha lehlakoreng la Puso hape le Mookamedi wa Toka le Moporesidente wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso ho hlaha lehlakoreng la Molao. Sena se tla hlaloswa ka botlalo raporotong ya ba tswang bakeng sa tsamaiso e kenang hore e tswele pele ka taba ena.
Ka tsela e tshwanang fela le makgotla a dinyewe, porofeshene ya molao e ntse e laolwa ho latela melao e swahlamaneng ya nako ya pele ho 1992 (Molao wa Kamohelo ya Maqhwetha, Molao wa 53 wa 1979 le Molao wa Kamohelo ya Maqhwetha, Molao 74 wa 1964). Ke karolo ya bohlokwa ya molao wa motheo hore tsamaiso ya toka, eo dipehelo tsa ditshebeletso tsa molao ho latela porofeshene ya molao e leng karolo ya teng e tlamehile ho sebetsa ka ho phethahala mme e fumanwe ke baahi bohle.
Ho fumana tshebeletso ya toka: tsamaiso e potlakang ebile e phethahetseng ya toka e kenyeletsa ditshebeletso tse fumanehang ha bonolo tsa molao.
Ho latela dikopano tse ahang tseo ke di tshwereng le porofeshene ya molao dibopehong tse fapaneng tse hlophisitsweng hape le mekgatlo ya molao; ho dumellanwe ka metheo ya bohlokwa hore kannete ke yona metheo eo Bili ya Tsamaiso ya Molao e lokelwang ho thehwa hodima yona ebile ke yona e hlwailweng ha ba ha buisanwa ka yona. Ho hlaha dipuisanong tsena, ho bile le dipuisano tse ahang tse kenyeletsang boemedi ba Lefapha, Lekgotlakakaretso la Bara hape le Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa. Dipuisano tsena di hlwaile metheo e meng e itseng e hlahlellang Bili ya Tsamaiso ya Molao.
Tlhokeho ya taolo ya tshebetso porofesheneng ya molao. Sena se ka thehwa ho latela mokgatlo wa taolo wa naha le dikgaolo tsa mabatowa ho fana ka metjha ya tshebetso le maemo a tshwanetseng mme mokgatlo oo o tla boela o ikarabella ka kgalemelo ya boitshwaro bo hlephileng.
Mekgatlo ya ditsebi tsa molao: Molao o ka dumella mekgatlo ya ditsebi ya boithaopi eo e tla bang mekgatlo e ka thoko. Bili e ka nna ya hlahisa hore mokgatlo wa naha o fetisetse mesebetsi e meng ho bona mabapi le thupello le kgalemo, e leng matla a ka fetiswang ha fela ho bonahala tshebetso e ntle.
Boto ya Polokelo ya Letlotlo: Boto ena e tlamehile ho laoleha ho latela boholo ba yona mme ho tlamehile ho be le tekano e utlwahalang mahareng a ditsebi tsa molao le ditsebi tseo e seng tsa molao ka botlalo.
Jwalo ka ha ho hlokometswe mabapi le Bili ya Lekgotla le Phahameng, ho tla ba le raporoto ya dipuisano e kenyeletsang ho hlwaya dibaka tsa kgokahano tse tla fuwa tsamaiso e kenang ho tswela pele ka tsamaiso.
Tekolo Botjha Tsamaisong ya Toka (CJSR), jwaloka karolo ya Lenaneo la tshebetso la Puso hape e le e nngwe ya dintlha tse ka pelepele tsa bohlokwa tsa mmuso mabapi le APEX, kajeno e thehilwe ka matla mme e fihletse boemo bo hodimo.
Supileng tse bopilweng hantle mme tsa dumellwa le ho ananelwa ka molao ke Moporesidente le Kabinete e le sehlotshwana se kopantsweng mme se feletseng hammoho le dikarolwana tse mmalwa tse thokwana le mekgwa ya ho kena dipakeng e kopaneng e tlohang maweng a sebetsang e le kannete ho fihla ho mawa a sebetsang boemong bo phahameng haholo. Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le Botlokotsebe (CJS) e ntjha ebile e batsi e hlakisa hore mekgwa ena yohle ya ho kena dipakeng e amohelwe mme e kengwa tshebetsong. Ho faneng ka ditshisinyo tsena tsa CJS le ho di tiiseletsa, qeto ya Kabinete e tshwaile phetoho ya tsamaiso e kgolo maikemisetsong a Puso ho lwantshana le botlokotsebe, ka ho itahlela ka setotswana leetong la bohlokwa la ho sutha tshebetsong e swahlamaneng, e hlokang tjhebelopele hape e sa sebetseng hantle ho ya ho CJS e kgannwang ke matla a boetapele ba batho ba nang le sepheo le tjhebelopele. CJS e tlamahantsweng ebile e tlasa tsamaiso e ntle ka mokgwa o kopanetsweng mohatong o mong le o mong.. Le ha karolo ya diphuphutso tsa Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le botlokotsebe (CJS) di ntse di tswela pele nako e teletsana, Tekolo Botjha Tsamaisong ya Toka le ho lwantshana le botlokotsebe (CSJR), sepheo sa yona ke ho shebana le mekgwa e metjha ya tshebetso nakong e kgutshwane, e bohareng le e telele, e jwaloka ho phumola ditshitiso ha ho etswa diphuphutso le ditsamaisong tsa lekgotla la dinyewe le ho hlwaya disebediswa tse hlokwang ke Puso ho lwantshana le botlokotsebe. Le ha ho le jwalo, CJSR ke mokgwa wa ho kena dipakeng ho eketsa le ho thusa mekgwa e meng eo Puso e ntseng e e sebedisa ho lwantsha botloketsebe mme ona o tobane ka ho otloloha le ho rarolla bofokodi le ho haellwa tshebetsong ya letsatsi le letsatsi ya CJS. Ditharollo mabapi le tshebetso e sa kgotsofatseng ya CJS ha jwale, di malebana le ho se sebedisane le ho tlisa diphetoho ho CJS ha jwale empa ho lokela ho be le tsela e akaretsang ho tlisa diphetoho tsa bohlokwa ho CJS ya jwale.
I. Lekala la JCPS le tlamehile ho ananela ponelopele le maikemisetso bakeng sa CJS a kgannelang ntlheng ya ho fihlela maikemisetso a tshwanang, dintlha tse ka sehlohong hape le mokgwa wa ho kala tsela ya tshebetso bakeng sa CJS.
II. Ho thehwa ho latela molao kapa tatelano ya molao le ho hokahanya CJS botjha ka sebopeho se le seng se tlamahaneng hammoho le tsamaiso e phallang habonolo ka mokgwa o hlokang masoba ho hlaha Kabineteng ho leba lekgotleng le leng le le leng la dinyewe mme ho thongwe motho ho hlaha Bookameding ya tla sebetsa jwaloka Hloho ya CJS empa a etsa mesebetsi ya tsamaiso empa a se fuwe matla a bookamedi.
Ho hlwaya dibaka tsa bohlokwa ka hara dikarolo tsa bohlokwa tsa CJS tse nang le kabelo e mpe tsamaisong le tshebetsong ka kakaretso mme ho behwe mekgwa e meng ya tshebetso ho lokisa bofokodi le ho tlosa dikgaello, ditshita le boitshetleho bo sa hlokeheng haholoholo tse amanang le maano a sebetsanang le disebediswa mme di tlise dikarolo tsohle ntlheng e le nngwe ya tshebedisano e ntle.
Ho theha Tsamaiso ya Ditsebiso Naheng ya CJS disebediswa tsa Ditsebiso le Thekenoloji hape le sesiu sa ditsebiso tsa setjhaba hape le ditsamaiso tse se nang masoba mme tse tsamaiswang ka tsela e kgahlapetsang ya saense le setekginiki empa di tshepahale mme seo se tla bebofatsa mawa a sebetsang hantle, maano le ho etsa qeto.
VI. Ho kenya tshebetsong lenaneo la ho ntjhafatsa CJS ka ho sebedisa ditharollo tsa thekenoloji e le hore ho tle ho be le tsamaiso e phethahetseng ya letsatsi le letsatsi, ho fokotsa ditjeho le ho fedisa tshenyo le ho potlakisa tsamaiso e keneletseng ya pampiri.
VII. Ho kgothaletsa batho bohle ho kenya letsoho twantshanong le botlokotsebe ka ho tlisa diphetoho pusong ya CPF (eo SAPS e sebetsanang le yona), ho kenyeletswa le ho eketsa kabelo ya ho sebetsana le dintlha tsohle tsa CJS, mohlala, sepolesa, diboto ts parola le tse ding; ka ho fana ka disebediswa tsa tsamaiso le tshehetso ya ditjhelete ho e fa "matla".
Hore e nngwe le e nngwe ya diphetoho tsena di tle di kene tshebetsong ka ho phethahala, ho ile ha bopuwa sehlopha sa tshebetso dikgweding tse mmalwa tse fetileng ho hokahanya dipalopalo, ho iteanya le bohle ba phehisang, ho hlahisa maano a kgwebo mme kamorao ho moo Kabinete e fuwe sepheto (hore e fane ka tumello), Palamente hape le Mafapha a fapaneng jwaloka ha ho hlokeha.
Dikgetho tse tlang pele Moporesidente le Kabinete ba dumeletse sehlopha sa diphetoho tse hlokehang ho theha tsamaiso e ntjha, e potlakang hape e fetohileng ya tsamaiso ya toka. Hara dintho tse ding, sena se kenyeletsa ho hlahisa sebopeho se setjha sa ho hokahanya le taolo mohatong o mong le o mong, ho tloha bohatong ba naha ho fihla bohatong ba selehae mme ho kopangwe lekala la toka le bomakgiseterata, sepolesa, botjhotjhisi, ditshebeletso tsa tshokollo ya batshwaruwa hape le Boto ya Dithuso tsa Molao hammoho le mekgwa e meng ya ho kena dipakeng, ho kenyeletswa ho matlafatsa Diforamo tsa Mapolesa a Setjhaba/Baahi.
Ntlha ya bohlokwa sepheong sa Phetoho ya CJS ke tshebetso e bonahalang, ho kenyeletswa leano, sebopeho, batho, ditsamaiso le ditsamaiso tsa kgwebisano hammoho le ditsamaiso tse matla tse hlahlobang le ho lekola mekgwa ya tshebetso. Ho sutha haholwanyane mekgweng e metjha e tshwanang le ena e ileng ya kengwa tshebetsong nakong e fetileng, lenaneo lena la diphetoho le sebetsana le ditlhoko tsa disebediswa dibakeng tsohle, ho kenyeletswa disebediswa tsa batho, disebediswa tsa porofeshenale, disebediswa tsa laboratori le metjhini.
Ho fihlela ntlha ya botsitso, ho hlahisitswe mawa a kgokahano, maano le ditekanyetso tsa ditjhelete, ho kenyeletswa Dikgwebo tsa CJS le Leano la Tshebetso la Dilemo tse 3.
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le mananeo le ditsamaiso tsa porojeke di kentswe tshebetsong. Ho theilwe Setsi sa Naha sa Tsamaiso (OCJRNOC) se kenyeletsang mohopolo wa "Kamore ya Ntwa" eo e thehilweng bakeng sa ho kena dipakeng malebana le maemo a kgethehileng jwaloka ho hokahanya dikgetho kapa dinyewe tse amanang le lehloyo la melata (Xenophobia).
Hore OCJRNOC e kene tshebetsong ka ho phethahala, e ile ya qala ho rala mmapa o hatisitsweng wa "Jwalo ka ha e le jwalo", o takilwe mmapeng wa GIS ka dipolelo tse hlakisang ditse tsa tshebeletso mme hape di hlakisa disebediswa tsohle tsa CJS bohatong ba naha ka bophara. E boela hape e lekola le ho hokahanya diketsahalo tseo sepheo sa tsona e leng ho fokotsa palo ya batho bao dinyewe tsa bona di tjhetjhisetswang morao mme le ho potlakisa ho phethela dinyewe tseo esale di eme nako e telele. Ka tsela ena, tse ding tsa diketsahalo di kenyeletsa Tsamaiso ya molao ya Beile e ileng ya hlahiswa ya ba ya saenelwa ke Matona a fapaneng a JCPS hape le ho thongwa ha Dihlopha tsa Tshebetso le bahokahanyi mohatong wa porofense.
Ha jwale ho ntse ho ralwa dikarolo tse fapaneng tsa molao kapa di ntse di fetiswa Palamenteng ho ntlafatsa CJS le ho rarolla ditsamaiso tse sitisang, ho kenyeletswa dintlha tse amanang le metjhini e netefatsang dintlha tsa motho le diteko tsa DNA, bopaki ba vidiyo le ho tsekiswa o le siyo. Ho ntse ho thehwa Setsi sa nakwana bakeng sa Dipalopalo tsa CJS le Hlahlobo ya Tshebetso ka hara OCJSR mme seo e tla ba ntlha ya tekolo bakeng sa tshebetso e bontshang maikemisetso mehatong yohle, ho kenyeletswa tekolo ya meedi ya bohlokwa le mehopolo e tshehetsang tlhahiso le tshebetso e phethahetseng le ho sebedisa disebediswa ka kakaretso.
Kgokahanyo ya sepheo, dintlha tsa bohlokwa le mekgwa ya tshebetso hape le bokgoni ba lefapha ka leng/ kapa mokgatlo wa boemedi ka tshebetso ya molao hammoho le matla a molao, tsena tsohle ho ile ha sebetsanwa le tsona ka ntshetsopele ya Molao. Ntlheng ena, molao wa CJS hammoho le palo ya melao e tshehetsang e ntse e hlahiswa ka ho kenyeletsa ditshebeletso tsa boemedi ba batho bohle ba phehisang hore ho tle ho be le kgokahano e se nang masoba ya CJS. Melao e meng e kenyeletsa Molao wa Lekgotla la dinyewe; Molao wa Beile o boletsweng ka hodimo le Molao wa Ditshebeletso tsa Forensiki SAPS, DOH. Karolo ya Tekolo Botjha ya JCPS, e shebane le mesebetsi ya SAPS Tsamaiso ya Ketsahalo ya Botlokotsebe, Diforensiki, Ditse tsa Direkoto tsa Botlokotsebe, Bofokisi, Botlokotsebe bo Hlophisitsweng le Botlokotsebe ba Moruo/Ekonomi, Lekala la Mahlale le sebetsanang le Botlokotsebe hape le Bofokisi ba SAPS, DSO, DHO Dilaboratori tsa Forensiki le Dimoshari hape le mekgwa ya ho kena dipakeng ka Dithuso tsa batho OSD.
Ka kgwedi ya Tshitwe 2008, Dikomiti tsa Palamente di ile tsa sebedisana le OCJSR, di ile tsa tshwarwa dikopano moo ho neng ho mametswe setjhaba diporofenseng tse fapaneng ho hlakisa tsamaiso ya ho lekola botjha le ho thusa ho fana ka diphehiso ho ya pele hodima mathata le ditshitiso tsa CJS le ho tla ka ditharollo tse ka nnang tsa sebetsa. Ka la 3 Tshitwe 2008, Kabinete e fumane raporoto ya mosebetsi o ntseng o tswela pele wa ho lekola botjha Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le Botlokotsebe mme ho ile ha etswa diqeto tse latelang ho rarolla bofokodi bo bong bo itseng tsamaisong. E ile ya boela ya fana ka tumello e kgethehileng ya Molao o lwantshang Botlokotsebe (Ditsamaiso tsa Forensiki) Bili ya Tlatsetso, e seng e raduwe, e romelwe Palamenteng hore e lekolwe. Bili ena e neha Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa disebediswa tsa bohlokwa tsa ho lwantshana le botlokotsebe tse kenyeletsang ho fihlela sesiu sa dikgatiso tsa menwana le metjhini e hlahisang ditsebiso tsa motho tsa mafapha a mang a puso bakeng sa diphuphutso tsa botlokotsebe mme di ba fa matla a ho fumana le ho boloka dikgatiso tsa menwana le disebediswa tse tswang metjhining. Bili e boela e fana ka tumello ya ho theha, taolo le tshebediso ya diteko tsa DNA (Deoxyribonucleic Acid) jwaloka sesebediswa se thusang ho hlahisa le ho matahanya mmelaelwa ketsahalong ya botlokotsebe. E boetse ya fana ka tumello ya Molao wa Beile hodima tsamaiso e lokelang ho latelwa ha ho kengwa tshebetsong karolo 63A ya Molao wa Tsamaiso le ho lwantshana le Botlokotsebe, Molao 51 wa 1977. Molao ona o dumella lekgotla la dinyewe, ha fela Hloho ya tjhankane e entse kopo, le teng haebe Molaodi wa Botjhotjisi wa Setjhaba ya amehang a sa hanane le kopo eo, ho ntsha taelo ya ho lokolla motho ya itseng ya fumanweng a le molato ka ho mo kgalema mme a fuwe beili kapa ho ntsha taelo ya ho etsa ditlatsetso maemong a beile.
Kabinete e ile ya tswela pele ho dumella tshisinyo ya ho hlahisa le ho kenya tshebetsong tsamaiso e hokahaneng, e hlokang masoba ya ditsebiso tsa taolo ya toka naheng.
Porojeke ya ho Fokotsa Tshubuhlellano ya Dinyewe (e tobaneng le Makgotla a dinyewe a Mabatowa) e kenyeletsa ho fana ka boitsebelo ba tlatsetso ka ho thonya dimakgiseterata, batjhotjhisi, baemedi ba molao le moifo o tshehetsang o tshwereng mokobobo, ho sebetsa makgotleng a dinyewe a mabatowa a nang le tshubuhlellano ya dinyewe tse saletseng morao (bolelele ba dikgwedi tse fetang robong lenaneng la lekgotla). Porojeke e qadile jwaloka mokgwa wa ho potlakisa tshebetso ya lekgotla e kgothaleditsweng ke lekala la JCPS jwaloka ntlha ya bohlokwa Lenaneong la Tshebetso la Puso. Porojeke ena ha jwale e kenyeleditswe ho CJSR mme ho fanwe ka disebediswa tsa tlatsetso mme e boetse e sebedisetswa ho thulana le dinyewe tsa bohlokwa tse ngata tse subuhlellanang tse jwaloka lehloyo la melata le dintlha tse amanang le dikgetho.
Hlakubele ke 13 113 tse kenyeletsang ka hare dinyewe tse 8855 tse phethetsweng, dinyewe tse 3649 tse hutsweng kamora ho lekolwa botjha dinyewe tsa lebatowa ditseng tsa dinyewe tse saletseng morao tse subuhlellaneng hape le dinyewe tse 609 tse fetiseditsweng pele.
Tshebediso ya dipuo tsa botala makgotleng a dinyewe Nakong ya puso ya kgethollo, puo e ne e le sesebediswa sa kgethollo le kgatello. E ne e se fela tshebediso ya Afrikanse le Senyesemane makgotleng a dinyewe e bontshitseng kgethollo empa sena se ile sa qhelela thoko dibui tsa dipuo tsa botala tsa Afrika tsamaisong ya toka ebile hape sena se ile sa boela sa nyefola serithi le boitlhompho ba Maafrika. Molao wa motheo o bolokile serithi sa batho le boitlhompho ka ho tlisa maemo a tekano dipuong tsohle tse leshome le motso o le mong, Leano la Dipuo tse ngata le ileng la ananelwa ke Puso ho phethahatsa sepheo sa Molao wa motheo mme ka tsela e jwalo makgotla a dinyewe a ke ke a tswela pele ho sebedisa Senyesemane le Afrikanse ho qhelela ka thoko dipuo tsa botala tsa Afrika. Karolo 6 ya Molao wa motheo e hlakisa mokgwa wa tshebetso o ka sehlohong wa molao bakeng sa tshebediso ya dipuo tse ngata, ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso le ho kgothaletsa tlhompho le ho mamellana ntlheng ya ho fapana ha dipuo mona Afrika Borwa. E hlakisa ditokelo tsa baahi mabapi le puo tse tlamehileng ho tlotlwa ka tshebediso ya maano a naha a dipuo. Ho tloha ka Hlakola 2009, re ile ra kenya tshebetsong diteko tsa tshebediso ya dipuo tsa botala makgotleng a itseng a dinyewe. Diteko tsena di bontshitshe katleho e hlakileng.
Molao wa Tlatsetso wa Khomishene ya Tshebeletso ya Toka (The Judicial Service Commission Amendment Act, 2008) Molao o fana ka mekgwa ya tshebetso bakeng sa ho sebetsana le ditletlebo mabapi le baahlodi mme o leka ho laola dintlha tse amanang le ho buisana ka ditjhelete le tshebetso ya baahlodi ho feta nako e tlwaelehileng ya mosebetsi. Molao o boela o fana ka Khoutu ya Boitshwaro o tlamehileng ho romelwa ho Letona hore le tle le o dumelle.
Khoutu e raduweng e se e hlahisitswe mme e tla phethelwa haufinyane.
Letlotlo eo le yona e tla phethelwa haufinyane e bohlokwa haholo bakeng sa ho kenya Molao tshebetsong. Ho lebeletswe hore Molao o kengwe tshebetsong ka kgwedi ya Pudungwana 2009. Molao wa Thuto ka Toka, 2008 (Judicial Education Institution Act, 2008) Molao o kene tshebetsong ka la 23 Pherekgong 2009 mme o phethahatsa Karolo 180(a) ya Molao wa motheo e hlakisitseng hore molao ona ke wa naha mme o fana ka tumello bakeng sa thupello bakeng sa bahlanka ba toka. Institjhute ena e butswe ka molao ka la 08 Mmesa 2009 mme Lekgotla le ile la tshwara kopano ya lona ya tlhomamiso. Lekgotla le dumetse ho tshwara wekeshopo ya ho rala ho phethela mehato e potlakileng e hlokehang bakeng sa hore Institjhute e sebetse.
Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo, Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Lefapha la Naha la tsa Ditjhelete ba ntse ba buisana mabapi le ho fana ka setsha bakeng sa kaho ya moaho wa dinako tsohle mane Leralleng la Molao wa motheo (Constitution Hill). Phetolelo ya moaho wa nakwana mane Edura House, Johannesburg e tla phethelwa mafelong a Phupjane 2009. Koletjhe ya Toka e tla tswela pele ho fana ka thupello ya molao bakeng sa moifo o mong wa molao o jwaloka Maqwetha a Puso, Baokamedi ba Makgotla a Phahameng le Maqwetha a Malapa. Ho lebeletswe hore Koletjhe ya Toka e tla tlatseletsa Institjhute ya thupello ya toka e jwaloka thupello ya tsamaiso le thupello e amanang le Lekala la Ditsebiso le Thekenoloji.
Molao wa Tlatsetso wa Toka Makgotleng a dinyewe a Mabatowa, 2008 (The Jurisdiction of Regional Courts Amendment Act, 2008) Moporesidente o saenetse molao oo ka Phato 2008. Molao o tiiseletsa hore Makgotla a dinyewe a Mabatowa, ho sebetsana ka toka le dinyewe tsa setjhaba tse ka hodimo ho taolo ya makgotla a dimakgiseterata tsa mabatowa (a mamelang ditseko ho fihla ho R100 000). Ho na le ditsamaiso tse tharo tsa bohlokwa tse keneng tshebetsong ha jwale ho hlophisetsa ho kenya Molao tshebetsong, ho bolelwa; ho kgetha dibaka tsa bodulo kapa ditulo tsa dikarolo tsa mabatowa porofenseng ka nngwe bakeng sa taolo le tsamaiso ya ditseko tsa setjhaba Makgotleng a dinyewe a Mabatowa. Se hokahantsweng le ntlha ena ke dikgeo tse haellang tsa dimakgiseterata, Barejisetara le Bathusi ba Barejisetara tse tla hlahiswa ho fana ka ditshebeletso ditulong tse hlwauweng.; ho hlakisa ditjhelete tse tla sebediswa semolao bakeng sa diketsahalo le mesebetsi e tlasa taolo ya Makgotla a mabatowa karolong ka nngwe ya lebatowa: Ena e tla ba tjhelete ya taolo e kana ka R100 000 mme tjhelete eo e jwalo e tla hlakiswa ka ho ntsha Tsebiso Koranteng ya Mmuso; hape le ho rala melao ya makgotla ho bebofatsa taolo ya ditseko tsa setjhaba Makgotleng a dinyewe a Mabatowa: Boto ya Melao e se e qadile ho rala melao mme e lebeletse hore e tla romelwa Letoneng ka kgwedi ya Motsheanong 2009.
Mohato wa pele e tla ba ho nyalanya Makgotla a dinyewe a Tlhalano a kene dikarolong tsa mabatowa le ho fetisetsa disebediswa makgotleng a dinyewe a tlhalano, ho kenyeletswa basebeletsi le moifo dikarolong tsa Mabatowa Diporofenseng tseo a leng ho tsona. Sena se tla sebetsa mohlang Molao o kenang tshebetsong. Letsatsi le lebeletsweng la ho kenya Molao tshebetsong ke la 01 Phato 2009.
Institjhute ya Thuto ya Toka Afrika Borwa (SA-JEI) e tla ba le lenaneo la yona la pele la thupello la bomakgiseterata ba mabatowa hodima tshebediso ya molao wa setjhaba. Ka Institjhute ena, baahlodi ba nang le boitsebelo le ditsebi tsa molao di tla hlwauwa ho fana ka thupelo ya boitsebelo tshebetsong ya molao wa setjhaba ho dimakgiseterata. Sena se etswa ka sepheo sa ho fetola semelo sa Makgotla a dinyewe Mabatoweng. Ke thabetse porofeshene ya molao haholo ha e nkile boikarabelo ho thusa ka thupelo ya dimakgiseterata jwaloka karolo ya mosebetsi wa bona o bohlokwa ebile o tla pele.
Ho rehella botjha Molao wa Makgotla a Phahameng a dinyewe, 2008 Molao o fetotse mabitso a kgale a puso ya kgethollo ao Makgotla a Phahameng a dinyewe a bitswang ka wona mme ha rehellwa makgotla a dinyewe ho latela mabitso a diporofense tlasa Molao wa motheo. Sena se etswa ka mohopolo wa ho hetla ho shejwe diphetoho tse bileng teng ho hlaha pusong ya kgale ya Bantu hammoho le mekgwa le ditlwaelo tse sebedisitsweng ho rehella hape ho ripitlwe mokgwa ofe kapa ofe wa pherekano o ka hlahellang tshebedisong ya mabitso a kgale.
Moporesidente ketekong ya Dilemo tse 15 tsa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho sebakeng sa Kimberly, lebaleng la dipapadi la Galeshewe ka la 21 Hlakubele 2009.
O boletse hore haesale ho qala demokerasi, makgotla a dinyewe a 23 a matjha a ahilwe mme makgotla a dinyewe a 58 a ntlafaditswe.
Ho na le makgotla a mang a mahlano a dinyewe a tlasa tshebetso mme a mang a 18 a tla ahwa dilemong tse hlano tse tlang. Mmuso o boetse o fetolela/kgetha makala a 23 a makgotla a dinyewe ho ba makgotla a felletseng. Sena se tla netefatsa phihlello makgotleng a dinyewe ditjhabeng tsa mahaeng, makeisheneng a batho batsho le di-Bantusteneng tsa maloba.
Moporesidente o ekeditse ka hore mmuso o ikemiseditse ho rarolla taba ya dipuo mokgwatshebetsong wa toka. Dipuo di ka thibela batho ho fihlella toka makgotleng a dinyewe.
Ho ibapisa le Molao wa rona wa Motheo, mmuso o kentse tekong porojeke ya ho sebedisa dipuo tsa batho batsho makgotleng a rona a dinyewe, o boletse jwalo.
Porojeke ena e tla nyenyefatsa diphoso tse etswang ke batho nakong ya phetolelo le ho thibela ditiehiso diketsahalong tsa makgotleng a dinyewe.
O boletse hore mmuso o behile pele phumantsho ya moralo wa motheo wa ditshebeletso, phihlello ya tlhokomelo ya mantlha ya bophelo, le ho tswela pele ho phethahatsa tokelo ya thuto, phihlello ya matlo, thuso ya setjhaba, motlakase, metsi, le tlhweko. Maikemisetso a mang ke ho netefatsa hore phihlello ya ditshebeletso tsena e nkwa e le tokelo e sa fumaneheng feela ka kgonahalo ya ho lefa.
Kantle le tswelopele e ntsweng, Moporesidente o boletse hore mmuso o elellwa hore bofuma ke tlolo ya ditokelo tsa botho. "Re ke ke ra ikotla difuba ka ho tshehetsa metheo ya seriti sa botho le tekatekano ha batho ba bo rona ba bangata ba ntse ba phela tlasa maemo a bofutsanehi le ho hloka ntshetsopele."
Mmuso o tla tswela pele ka maiteko a oona ho fedisa bofuma le ho tiisa seriti sa Maafrika Borwa kaofela. Moporesidente o boletse hore dilemong tse 15 tse tlang phephetso e tla ba ho netefatsa hore dintho tse ntle tse entsweng di tla bonwa ke Maafrika Borwa kaofela.
Tsamaiso ya toka Kapa Leboya e fetohile, ho boletse Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Enver Surty.
tsa tsamaiso bakeng sa ditjhabana." Letona le boletse hore sena se tla netefatsa hore ditokelo tsa batho kaofela porovenseng, haholoholo basadi, di a phethahatswa. O ekeditse ka hore jwale batho ba na le monyetla wa ho ba le tshebeletso e felletseng makgotleng a dinyewe moo ba dulang, dikarolong tse fapaneng tsa porovense. "Re ka keteka taba ya hore haufinyana re tla be re amohelwa ketsamolao e sebetsanang le manyalo a Semoseleme, mme haufinyana kamorao ho moo re tsebise bili e sebetsanang le manyalo a Hindu," o boletse jwalo.
Motshireletsi wa Setjhaba Advokheiti Gabriel Mushwana o boletse hore letsatsi la 21 Hlakubele ke letsatsi la maikutlo ho Maafrika Borwa kaofela.
Mushwana. O hlalositse karolo e bapalwang ke Motshireletsi wa Setjhaba ho tshireletsa ditokelo tsa Maafrika Borwa kaofela, haholoholo ba dulang mahaeng.
Selemong se fetileng re ile ra bona ho thehwa lenaneo la pulamadiboho le hlahang maikemisetsong le leratong la Lefapha ho leka ho thusa Maafrika Borwa ohle ho fumana ditshebeletso tsa toka. Le bitswa Lenaneo la ba Ithutelang Boqwetha. Ke ditlhophiso mahareng a mmuso le Mokgatlo wa University Legal Aid Institutions, moo baithuti ba nang le mangolo a LLB diyunivesithing tse ngata tse kgolo ba tla kgonang ho phethela dipampitshana tsa bona tsa molao Ditliliniking tsa Molao tsa Diyunivesithi mme ka nako eo ba ntse ba fana ka ditshebeletso tsa molao baahing ba futsanehileng/ba qheletsweng ka thoko.
Lefapha le bolela hore lenaneo lena le letjha le thabisang le "motjheng hantle ho bopa motheo wa boitsebelo wa maqwetha a nang le mangolo a thuto a nepahetseng ebile ba na le tsebo mme ba ntse ba netefatsa hore setjhaba se fumana ditshebeletso tsa molao tsa mahala". Ka mantswe a mang, ke maemo a hlolwang mahlakore bobedi moo baithuti ba ntlafatsang boitsebelo ba bona mme ba iphumanela boitsebelo ba mosebetsi bo hlokehang ho sebetsa jwalo ka maqhwetha a nang le mangolo a thuto a felletseng hape le setjhaba se senang menyetla seo ka nako tse ding se le hole le metsetoropo ba mpe ba fumane le ho fihlella toka mme le bao ba hlokang disebediswa/mehlodi ho etsa jwalo ba tla fumana thuso ho baithuti bana.
Ho thehwa ha lenaneo lena ho ile ha hohela boraditaba ba kgethehileng hobane sena se etsahetse nakong e kgethileng ho Lefapha e leng ya "Beke ya phumantsho ya ditshebeletso tsa Toka" mme sena se ne se kenyeleditse diketsahalo tse ngata tse fapaneng naha ka bophara. Sena ke seo Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo mme Lefapha le se beileng leihlo le ntjhontjho ka kamora dilemo tse pedi e tla ba maqwetha.
ha le leka ho rarolla ho se lekane/leeme la nako e fetileng moo ho neng ho sebediswa tsamaiso e leeme ebile e hlokang toka, tlhokeho e kgolo ya phumantsho ya toka ho Maafrika Borwa a mangata hape le ho nka puso eo ho yona ditshebeletso tsa toka di fumanehang habobebe dibakeng tse nang le disebediswa tse hantle empa di le siyo dibakeng tse ka mathoko moo ditshebeletso di hlokehang haholo ho tsona. Ka mokgwa o jwalo, porofeshene ena ya molao ka tlhaho ya teng e hohela baithuti empa ba fanang ka ditshebeletso hole moo di hlokwang teng le ho thusa setjhaba sohle mme baithuti ba molao ba sebeletsa ditulong le makaleng a molao tse thusang fela batho ba mmalwa ba nang le monyetla.
Tshepo ke hore, lenaneo lena le tla hlahisa moloko wa maqhwetha a boneng boleng ba kgotsofalo ya ho thusa setjhaba se qheletsweng ka thoko seo ka dinako tse ding se hlokang moo se tla balehela teng ha se hloka thuso ya molao.
Porojeke ena e nkuwe Lenaneong la ditshebeletso tsa Naha tsa Batjha (NYSP) mme ka lona Lefapha le ikemiseditse ho tshehetsa kaho ya setjhaba ka ho kenyeletsa batjha phanong e hlokolosi ya ditshebeletso.
boingodiso ba dipampitshana tsa bona tsa molao le ditefello tsa dihlahlobo tsa boto.
Ho baballwa ha lekgotla la dinyewe la Pongola ke e nngweya dikatleho tsa jwale ho lethathama la dintlafatso le laolwangke lefapha jwaloka karolo ya ho hlokomela disebediswa tsalona. Porojeke ena, e kenyeletsang dintlafatso tsa makgotlaa dinyewe a 282, e tsejwa ka Lenaneo la Ditokiso le Paballo(RAMP).
Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Enver Surty le re Lekgotla la dinyewe la Pongola le tla ntshetsapelekutlwisiso e ya baahi ntlheng ya toka. Lekgotla lena la dinyewele bohlokwa hobane le re fa monyetla wa hore re utlwisisehore na toka ke eng le hore e sebetsa jwang, ho rialo LetonaSurty jwaloka ha a ne a bula semmuso Lekgotla la dinyewe laPongola le ntlafaditsweng ka Hlakola, KwaZulu-Natal.
Colesberg hape le Lekgotleng le Phahameng la Boipiletso.
Diporojekeng tseo kaho e ntseng e tswela pele bakeng sabodulo bo botjha ke Lekgotleng la Makgiseterata la Tsakane, Lekala la Lekgotla la dinyewe le Phahameng la Porofense ya Transvaal, Ofisi ya Makgiseterata ya Augrabies, Ofisi ya Makgiseterata ya Ekangala, Ofisi ya Makgiseterata ya Kagisohape le Ofisi ya Makgiseterata ya Galeshewe.
KwaZulu-Natal ka mosebetsi wa bona o thata ho netefatsa hore toka e tliswa haufinyana le setjhaba.
Letona, ha se fela ho hlaha ka pela lekgotla la dinyewe le hoema ka pela bahlanka le ditsebi tsa molao, "Ke taba ya tokasetjhabeng. Mokgwa oo re tlisang phetoho maphelong a batho."
Haufinyane re tla ba le makgotla a dinyewe a sebetsang ka tlhalano a 53 naheng, ho tswa ho a 3 fela matsatsinga fetileng.
Letona la Toka le basebetsi ba bina pina ya setjhaba, pele ho bulwa lekgotla la dinyewe botala makgotleng a rona a dinyewe, ena ke toka." Letona Surty o tiiseleditsesetjhaba hore toka e ke ke ya sebeletsafela morabe, maemo, bong kapa mekgae itseng ya dipolotiki. "Toka boyona ha e nke lehlakore. Re tlamehile ho keteka ntlha ya hore diporofense tsohledi tla ba le lekgotla le phahameng ladinyewe. Sena se re tiiseletsa hore re tlasebeletswa ka toka."
Moahlodimoporesidente wa KZN, Vuka Tshabalala o itse, "Dipehelo tsohle di entswe ho netefatsa hore makgotla adinyewe a sebetsa ka ho phethahala. Ke kopile hore ho be le baahlodi babang ba babedi ba tla dula lekgotlenglena la dinyewe ka ha e na le Lekgotlale Phahameng la dinyewe." Ditjeo tsakahobotjha ya lekgotla lena la dinyeweke dimilione tse 10 tsa diranta. Lekgotlala dinyewe la Pongola e tla ba lehae laMakgotla ana a dinyewe a latelang, laSetereke, Lebatowa le le Phahameng.E na le lehae bakeng sa batjhotjhisi, bahlahlobi, moifo wa ditshehetso tsa botlelereke hape le ditshebeletso tsasepolesa.
Re tlile mona ho bula lekgotla le letle. Ka lona, rona jwaloka Lefapha, re rere tlisitse ditshebeletso tsa toka pelabatho," ho rialo Hloho ya LebatowaBrigitte Shabalala ha a bua le batlotlehile setjhaba se tlileng moketeng. "Lekgotlalena le tla fana ka ditshebeletso tse jwaloka Lekgotla la Bana, Ditlhokomelotsa bana ka ditjhelete, Merusu malapeng, Lekgotla la dinyewe tse nyenyane hapele Lekgotla la Tekano," ho rialo Hloho ya Lebatowa. "Re kopa le sebediseditshebeletso tsena mme le tle ho rona ha le thulana le mathatha afe kapa afe. Re mona ho le thusa."
Stephen Weich, ya emetseng lekala la molao porofenseng, o itse nako e fetileng makgotla a dinyewe a ne a sa fihlelwe lethabo bakeng sa lekgotla lena le letjhahabonolo ebile a hloka disebediswa tse la dinyewe. "Naha ke naha ka lebaka lalekaneng. "Batho ba Pongola ba ka ikotla tsamaiso ya yona ya toka.
Ho tlisa tekano ditokelong tsa banatse kgohlanong le molao le tsasetjhaba sa Afrika Borwa efapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo le ile la nkamehato e meholo ntlheng ya ho shebabotjha molao o amanang le bana. Ntlha eo e leng ya bohlokwa ka hofetisisa e ne e le Bili ya Toka ya Bana eo sepheo sa yona sa motheo e lengho suthisa bana ba kgohlanong lemolao hore ba be hole le tsamaiso e ka sehlohong ebile e tlwalehilengya molao wa botlokotsebe mme e bakgannele tsamaisong e bopilweng hosebetsana hantle le ditabatabelo tsa setjhaba le tshokolloho.
Sepheo se ka sehlohong ntlhengena ya Bili se ile sa hlakiswa hantleke Letona la mehleng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Mof. Bridgette Mabandla ya ileng a remaikemisetso ke "ho bopa tsamaisoya toka mabapi le botlokotsebe enehang bana ba iphumanang ba lekgohlanong le molao monyetla wa hotshwarwa ka mokgwa o hlokomelangbofokodi ba bona le hore ba hloka tshireletso hape le mathata a moruosetjhabeng seo ba tswang ho sona aileng a hlaha ka lebaka la dikarohanotsa nako e fetileng."
Se botebong Molaong wa ronawa motheo hape le boitlamong bamafatshe a mang ke hore bili ena eleka ho tlisa tekano ditabatabelong tsa bana ho ntse ho ikamahangwa le tsanaha ka bophara. Molao wa motheo ore ditabatabelo tsa bana di tlamehile ho ba tsa bohlokwa haholo dintlhengdife kapa dife tse amanang le bana le molao.
Ho amohelehile lefatshe ka bophara hore, hore Bili e tle e kenetshebetsong ka ho phethahala elokelwa ho etswa Molao, mekga yapuso e lokela ho kopanela ntlha ena. Ke mosebetsi oo ho wona mafaphammalwa a fapaneng a puso a lokelangho kenya letsoho ho yona. Ho fedisasena, Mokgwa wa Tshebetso wa ho leka ho kenya Bili ya Toka ya Bana tshebetsong o se o hlahisitswebakeng sa mafapha ohle a amehangmme tshepo ke hore ka sena Bili " etla netefatsa kalafo, tshireletso hape lekatamelo e utlwahalang ya ho rarollamathata ao bana ba kgohlanong lemolao ba tobaneng le ona."
Ho ile ha eba le ditherisano le dikopano tse nkileng nako e telele hoshebisana ntlha ya ho kenya Bili enatshebetsong tseo le tsona di sa kangtsa thella fela ntle ho diphephetso, haholoholo ntlheng ya hore ho tlasebediswa mehato le melawana efe ho latela dihlopha tse fapaneng tsadilemo.
phokotso e bonahalang ya botlokotsebe, ntshetsopele ya boikarabelo baneng ka mmono o lekang hofedisa ho eketseha ha merusu, ho tshwarwe bana ka mokgwa le tsela e tshwanetseng dilemotsa bona, empa ho ntse hohlokometswe hore ba nka boikarabelo ba diketso tsa bona, ho tlisa tekano ditlhokong tsa bana, mahlatsipeng le setjhabeng, hapele ho bopa setjhaba se bolokehileng bakeng sa bohle.
Mehato e metle ya ho sebetsana le dinyewe tse subehlellaneng ebile tse saletseng morao a Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo le arabela boima bo jerweng ke makgotla a dinyewe a Afrika Borwa, Lefapha ka tshebedisano le Sehlopha sa Tshireletso le Toka e Thibelang Botlokotsebe (JCPS), ba tlile ka tharollo e ntle haholo ho fokotsa dinyewe tse subuhlellaneng ebile tse saletseng morao naha ka bophara.
Makgotla a dinyewe tse saletseng morao, tlasa Porojeke ya ho Fokotsa Dinyewe tse Subuhlellaneng ebile tse Salletseng Morao a hlokometse ntlha ya ho phethela dinyewe tse dutseng nako e telele mme ba leka ho potlakisa tshebetso ya toka kahohlehohle mme sena se bonahetse e le tsela e ntle ya ho kena dipakeng nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng jwaloka ha dipalopalo di hlalosa hore palo ya dinyewe tse saletseng morao e fokotsehile haholo makgotleng a dinyewe a mabatowa moo ho ileng ha kengwa mokgwa ona tshebetsong. Ka ha makgotla a saletseng morao ka dinyewe a fana ka bokgoni ba tlatsetso makaleng a makgotla a dinyewe tsa mabatowa, ha jwale ba ka nna ba hlokomela ntlha ya ho phethela dinyewe tsa bona tsa diteko kapelenyana mme ka tsela e jwalo ba otla nonyana tse pedi ka lejwe le le leng. Ditsamaiso tsa toka ha di lekodisiswa, haholoholo moo dintlha e leng tsa botlokotsebe, di telele haholo mme di batla nako ntlheng ya ho netefatsa hore mosebetsi o etswa ka toka. Mona Afrika Borwa, jwaloka dinaheng tse ding, ho na le bothata ba tlhokeho ya boitsebelo le disebediswa ka hohlehohle, ekaba tse amanang le botjhotjhisi, boemedi ba dithuso tsa molao kapa bahlanka ba tsamaiso lekgotleng la dinyewe mme tsena di bakile hore dinyewe di diehe. Dinyewe tse ngata tsa makgotla a mabatowa ho sebetsanwa le tsona ka dikgwedi tse 6, ha e le dinyewe tsa makgotla a mabatowa le a tse phahameng ho lebeletswe hore ho sebetsanwe le tsona nakong ya dikgwedi tse 9 le tse 12 ka ho tshwana. Ha dinyewe tsena di behelwa ka thoko nako e telele ho feta ena eo e di baletsweng di nkuwa e le tse "subuhlellaneng ebile tse saletseng morao" mme di lokelwa ho potlakelwa di be di sebetswe ka mekgwa e fapaneng ya ho kena dipakeng. Ho hokahanya mekgwa eo ya ho kena dipakeng ho shebanwe le makgotla a dinyewe a mabatowa e leng moo tshubuhlellano e hlahellang teng haholo, mmuso o kentse porojeke ena ya JCPS tsebetsong ho tloha ka la Pudungwana 2006 ho leka ho fokotsa dinyewe tsena tse subuhlellaneng ebile di salletse morao. Mokgwa ona o kenyeletsa ho fana ka boitsebelo le disebediswa tsa tlatsetso ka ho hira basebeletsi ba dikonteraka (mohlomong ba sebetsang jwaloka batjhotjhisi, baemedi ba dithuso tsa molao kapa jwaloka dimakgiseterata) mme ba sebetse makgotleng a dinyewe a tlatsetso, ba tobane le 'makgotla a dinyewe ao ho thweng a na le tshubuhlellano'.
Dintlha tse latelang ke tsona tse hlokisang lefapha boroko: mosebetsi o mongata le ditlhoko tsa dipuisano tsa makgotla a dinyewe tsa mabatowa, dipalapalo tse kgolo tsa dinyewe tse subuhlellaneng le tse salletseng morao mananeng a makgotla a dinyewe, sefutho se sebe sa phano ya ditshebeletso mme pheletsong ho hloka tshepo tsamaisong ya toka dinyeweng tsa botlokotsebe. Ka lebaka lena porojeke ena ya ho Fokotsa Tshubuhlellano ya Dinyewe e fanang ka tshehetso. Ha porojeke e ne e qala ka Pudungwana 2006, ho ne ho na le tshubuhlellano ya dinyewe tse 20 452 tse salletseng morao makgotleng a dinyewe a mabatowa (43%) (sena se sebetsa e le motheo bakeng sa porojeke) kgahlano le lenane la dinyewe tse saletseng morao tsa makgotla a mabatowa tsa palo ya 47 343 tseo esale di le lenaneng la makgotla a dinyewe tsa mabatowa naheng bakeng sa dikgwedi tse 9 e le dinyewe tse subuhlellaneng ebile tse salletseng morao.
(31%) kgahlano le lenane la kakaretso la dinyewe tse salletseng morao la dinyewe tse 48 468. Mona ho theohile 26% kapa tshubuhlellano ya dinyewe tsa makgotla a mabatowa tse saletseng morao ya 48 468.
Pudungwane 2006 ho fihla ka Tshitwe 2008, di theohile ka 55% ha ho bapiswa le motheo wa Pudungwane 2006 bakeng sa porojeke. Dikatleho tsena di ka lebiswa ho kabelo e tlisitsweng ke makgotla a thehilweng ka ho kgetheha a tshubuhlellano ya dinyewe naha ka bophara tse ka kakaretso, di phethelang dinyewe tse 11.4 ka kgwedi - palo e habedi ho feta ya makgotla a dinyewe tsa mabatowa. Ha jwale ho na le makgotla a 37 a mofuta ona naha ka bophara mme e nngwe le e nngwe e sebetsa dihora tse tharo le metsotso e mashome a mane a motso o le mong ka kakaretso ka letsatsi. Makgotla ana a dinyewe ka kakaretso a na le dinyewe tse 76% tsa batho ba fumanweng ba le molato (ha ho bapiswa le 73% ya makgotla a dinyewe a mabatowa a tlwaelehileng). Empa dikatleho tsena tsa tshubuhlellano ya makgotla a dinyewe di ile tsa nna tsa tlatseletswa ka ditsamaiso tse ding tse hantle. Tlahiso makgotleng e ile ya ntlafatswa ka ho kenyeletsa batjhotjhisi ba tlatsetso mme sena sa thusa ka ntlafatso tlhophisong ya dinyewe, ha ka ho le leng ditlatsetso ka baemedi ba molao di ile tsa etswa ke Boto ya Dithuso tsa Molao, ba hlokomela hore ba iteanya le batho hantle pele tseko e qala malebana le eo ba mo tshehetsang hape le dipaki tsa bona di se di fumane tsebo e phethahetseng bakeng sa ditseko.
Nyewe e nngwe le e nngwe e lekolwa ho netefatsa hore ho ntshetswa pele diphuphutso ha ho hlokeha mme ka tsela e jwalo ho bolokwa nako e ka beng e ntse e senyehile ka lebaka la ho busetswa morao/tjhetjhisetswa morao. Hape ho ile ha eba le ntlha ya ho hlokomela taba ya ho phethela dinyewe tseo ho se ho se na sebaka sa ho etsa diphuphutso ka tsona ho ya pele (mohlala, moo ho se ho sa fumanwe paki) le ho kgutlisa dinyewe tsa kgale tse telele mme ho sebetsanwe le tsona ka pele di phethelwe.
Letona la Merero ya Lehae le Setho sa Phethahatsosa KwaZulu-Natal se ikarabellang Ditabeng tsa Setsole Pusong ya Lehae ke bona batho fela ba arabetsengdiphehisong tse tlisitsweng Lekgotleng la Dinyewe hapele ho hanana le ho tiiseletswa ha taelo e sa nepahalang.
Elizabeth Gumede o nyetswe setso ka 1968, e leng lenyalole le leng fela moo monna wa motho ya entseng kopo eneng e le karolo. Lenyalo leo le ile la senyeha ka tselaeo le ke keng la hlolwa le lokiswa mme ka Pherekgong2003 monna wa hae a tlisa le ho saena dipampiri tsaho qala tsamaiso ya tlhalano. Mof. Gumede o ne a ntsea sa sebetse ha a ntse a nyetswe, empa o ne a ntse ahlokometse lelapa hape le bana ba bane. Lelapa leo le ilela iphumanela dikarolwana tse pedi tsa meaho nakong eolenyalo le ntseng le tswela pele, hape meaho eo e na lefenetjhara le disebediswa tsa ka tlung tseo bobedi ba tsona di ka fihlang bonyane ho R40 000 moahong ka mong.
Molao o Amohelang Manyalo a Setso o hlakisitse hore manyalo a setso a phethetsweng kamora ho kengwatshebetsong ha Molao, e leng mohla 15 Pudungwana, manyalo a jwalo a nkuwa hanghang e le a kopanelo yadithoto. Le ha ho le jwalo, Molao ha o hlakise ntlhakemo ya ona mabapi le taolo ya meaho le disebediswa tsenamabapi le manyalo ana a setso a phethetsweng pele Molao o kengwa tshebetsong mme manyalo ao a se a laolwa holatela molao wa setso. KwaZulu-Natal, Molao wa Manyalo aSetso o hlalositswe wa ba wa fetiswa Molaong wa KwaZuluhape le Khoutung ya Natala eo ka bobedi e hlakileng, karolong ya 20, hore monna ke hloho ya lelapa ebile hapeke monga dithoto tsohle tsa lelapa. Sepheto sa Molao waKwazulu-Natal, Khoutu ya Natala le kgaello ya dipehelotse Molaong o Amohelang Manyalo a Setso, ka mokgwa o jwalo, ke hore mosadi ya keneng lenyalong la setso lephethetsweng pele molao ona o kengwa tshebetsong haa tshwanelwa ke ho fumana letho nakong eo ho qhalwanglenyalo leo. Le ha ho le jwalo, ho hlakisitswe le ho etswadipehelo Molaong o Amohelang Manyalo a Setso bakeng sa lekgotla la dinyewe hore le ka sebedisa matla a lona aboletsweng Molaong wa Tlhalano.
Ho latela dipehelo tsa Molao wa Tlhalano, lekgotla la dinyewe le na le matla a ho etsa qeto, kamora ho qhalanyalenyalo, a ho fetisetsa meaho le disebediswa ho tloha homolekane e mong ho di neha e mong. Moseneke DCJ, yangollang Lekgotla le Dumellanang, o ile a hlahloba karolo7 le 7 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, o jereng matla a hore manyalo a phethetsweng pele hofetiswa Molao o Amohelang Manyalo a Setso (manyalo a"kgale") a tla tswela pele ho buswa ke molao wa setso mme ao ho phethetsweng ka wona kamora ho fetiswa ha molaoMolao o Amohelang Manyalo a Setso (manyalo a "matjha") e tla ba manyalo a dikopanelo tsa dithoto moo ho na le phaellole tahlehelo ntle le moo balekane ba dumellang ka tsela efapaneng. O ile a boela a hlahloba molao wa manyalo asetso o hlalositsweng le ho fetiswa KwaZulu-Natal, o behangmosadi ya nyetsweng tlasa molao wa setso tlasa puso lematla a lenyalo a monna wa hae eo e leng yena fela mongameaho le dithoto ya kgethehileng ebile a laola dithoto tsohletsa lelapa. Moseneke DJC o fumane hore dipehelo tseo dihloka toka ebile di leeme mme ho hlakile hore di qhelela kathoko bonyane ntlheng e le nngwe e leng ya bong ho latelamabaka a bohlokwa a nalane ya setjhaba.
Ke basadi fela ba manyalong a setso ba iphumanang batobane le ditlamorao tse hlokang tekano tsa ho ba le dithoto. Ka ha kgethollo ena e matleng a molao o ke keng wa fetolwa tlasa mabaka a bohlokwa a nalane ya setjhaba, ho nkuwae hloka toka mme boima bo utluwa ke ya ikarabellang hohlakisa meedi e behilweng mabapi le ditokelo tsa tekano tsabasadi tse bonahalang ebile tseo ho entsweng qeto ka tsonatlasa molao wa manyalo a setso.
Moseneke DCJ o fumane hore ba ikarabellang ba hloleha hofana ka mabaka a utlwahalang ho ba tshehetsa hore efelaba kgethollwa e le kannete.
a ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, e dumellang lekgotla la dinyewe le nang le matla a ho fana ka lengolola tlhalano le ho qhala lenyalo la setso hore le na le matlaa ho etsa qeto ya hore na dithoto tsa lenyalo lena di lokelaho arolwa jwang mahareng a mekga e mmedi, le teng senaha se karabo kapa lebaka le utlwahalang ho tswela pele kakgethollo e hlalositsweng ho latela mabaka a bohlokwa analane ya setjhaba ntlheng ya bong. Lebaka la ntlha ena kehobane karolo 84 a ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso ha e phekole kgethollo eo molekane ya lenyalong lasetso a lokelang ho e mamella nakong ya lenyalo. Tsamaiso ya dithoto manyalong a buswang ke molao wa setsonakong eo lenyalo le ntseng le hlokomelehile, jwaloka haho hlakisitswe le ho fetiswa Khoutung ya Natala le Molaongwa KwaZulu, o tlisa moedi tekanong ya molao ya motho kamong tse behilweng Molaong wa rona wa motheo hape leMolaong o Amohelang Manyalo a Setso.
a Karolo 71 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, ho fihla hakana jwalo ka ha o behile ntlheng yaditlamorao tsa dithoto/disebediswa lenyalong leo ho kenweng ho lona pele ho qala Molao o Amohelang Manyalo a Setso e tswela pele ho buswa ke molao wa setso.
b Karolo 72 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, ho fihla hakana jwaloka ha o bontsha phapang mahareng a lenyalo la setso leo ho kenweng ho lonakamora le pele ho qala Molao o amohelang Manyaloa Setso, ho bontshwa bohlokwa ba wona ka ho kenyamantswe ana "leo ho kenweng ho lona kamora horeMolao o qale".
c Karolo 20 ya Molao wa KwaZulu mabapi le Molao wa Khoutu ya melao ya Sezulu Khoutu ya Molao wa Zuluhobane o hlakisa hore nakong ya kopanelo ya lenyalola setso, hloho ya lelapa ke monga dithoto ebile o nale taolo hodima dithoto tsohle tse ka tlung.
d Karolo 20 ya Khoutu ya Natala ya Molao wa Zulu hobane e hlakisa hore hloho ya lelapa ke monga ebile o na le taolo hodima dithoto tsohle tse ka tlung.
e Karolo 22 ya Khoutu ya Natala ya Molao wa Zulu hobane e hlakisa hore ba phelang sakeng hapele lelapa lohle le tlasa taolo ya ebile ba lokela hohlompha molao wa hloho ya lelapa.
Lekgotla le dumellanang le lona le ntshitse taelo e rengmekga ya puso e lefe ditjeo tsa molao tsa Mof. Gumede.
Dinaha tse fetang 180 di tshehetsa mohato o kgahlano le kgethollo ya morabe o ya mafelong a kgwedi e fetileng yaMmesa, dinaha tse 182 di ile tsa rala raporoto e kgahlano le Kgethollo ya morabe, eo e ileng ya eba sephetho sa Seboka saTekolo Botjha sa Durban. Seboka sa Tekolo Botjha sa Durban se fihletse qeto ka la 24Mmesa ka tumellano ya hore diphetohotsa nnete di ka fihlelwa jwang bakeng sadimilione tsa mahlatsipa a kgethollo yamorabe lefatsheng ka bophara.
Re rometse melaetsa e hlakileng ho basa kgolweng hore lefatshe le kopane mmele a sebedisana twantshanong le bothatabona, ntwa e hlokang kabelo ya bohle bakgathallang ho ntshetsapele ditokelo tsamotho e mong le e mong hammoho lesetjhaba sohle, a rialo.
Mongodikakaretso wa Dinaha tse Kopaneng, Ban Ki-Moon o rometse Mokomishenara ya Phahameng wa Ditokelo tsa Botho hosebetsa jwaloka Mongodikakaretso waSeboka sa Tekolo Botjha. Kabelo ya hae ke ho netefatsa hore Seboka se a atleha mme se tsamaya hantle ho latela ditabatabelo tsaDitho tsa Dinaha.
Sephetho sa moralo se ananetsweng kakutlwano ka la 28 Mmesa 2009 se hlalositswe ke Mokomishenara ya Phahameng e le "tokomane e ntle". Mookamedi wa ditokelo tsa botho o hlahisitse maikutlong a haepheletsong ya kopano mane Geneva, elekileng ho hlahloba tswelopele e entswengha ho kengwa tshebetsong Boitlamo baDurban le Lenaneo la Tshebetso, tseo ho dumellanweng ka tsona Afrika Borwa nako e ka bang dilemo tse leshome tsefetileng. Moahlodi Pillay o tobokeditsentlha ya hore le ha kopano eo e ne e le"ntho e sa tlwaelehang ebile e thata mmee okametsweng ke ditsikitlano," le ha ho lejwalo " ebile pale ya katleho e le kannete."
Dinaha tse mmalwa di ile tsa ikgula Sebokeng le pele se qala, ho kenyeletsa Dinaha tseKopaneng tsa Amerika. "Ke tshepa hore ba tla kgutla mme ba kene tsamaisong hape," horialo Mokomishenara ya Phahameng.
o ile a kena ditumellanong tse ananelangtokomane mme seo se toboketsa tlhokeho yaho rarolla diketsahalo tsa ho hloka mamellano ka mokgwa o tlisang tharollo ka sefutho.
Mokhomishenara ya Phahameng waDinaha tse Kopaneng (UN), nakong eo aananelang tokomane ena o hlalositse horee jere dielemente tsa bohlokwa haholomme a etsa pitso Dinaheng ho nka mehatoe phethahetseng, e hlakileng ebile eutlwahalang ho thibela, ho lwantshana hapele ho ripitla mekgwa yohle e hlahang kalebaka la kgethollo ya morabe mme a kopa dinaha tse eso etseng jwalo ho hlahisa/bopa le ho kenya tshebetsong maano a naha holwantshana le ho hloka mamellano.
Ho tswela pele, e hlakisa tshotleho eeketsehileng ho tloha ka 2001 ya dihlophatse fapaneng tsa mahlatsipa mme e tiiseletsakabelo e ntle ya tokoloho ya puo ha kalehlakoreng le leng e fedisa le diketsahalotsa ho nyefola le ho reha batho mabitso athehilweng hodima bodumedi ba bona.
Seboka sa Tekolo Botjha se tshwerweng ho tloha ka la 20 ho fihla ka la 24 Mmesa, seo sepheo sa yona e neng e le ho hlahlobamosebetsi o entsweng esale ho tloha ka2001, Sebokeng sa Lefatshe se kgahlano lekgethollo ya morabe, Lehloyo la Melata lediketsahalo tse ding tse amanang le ho hlokamamellano se neng se tshwaretswe Durban, Afrika Borwa.
Pheletsong ditoro tsa batho ba Limpopodi ile tsa phethahala ha Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo lebula Lekgotla le Phahameng la dinyewela pele porofenseng ya bona. LetonaSurty o hlalositse ho bulwa ha Lekgotlale Phahameng la dinyewe Polokwane ele motsotso wa nalane o lokelwang hoetswetswa mokete. Pulo ena e bopa karoloya boikarabelo ba lefapha ba ho netefatsahore Toka e Fihlella Bohle.
Jwaloka ha re kgohaletsa ebile re etsabonnete ba hore ho sebediswa dipuo tsabotala makgotleng a dinyewe, re tla etsantho e jwalo ho netefatsa hore Toka e fihlela Bohle, empa re ke ke ra etsa sena re le bang. E mong le e mong mona olokela ho kenya letsoho tsamaisong ya diphetoho,' o rialo Letona Surty ha a ne a bula tshebeletso ena semmuso ka la 27 Hlakola 2009.
Letona le bolelletse setjhaba hore maemole seriti sa Lekgotla le Phahameng se keke sa nyediswa. O itse ho hlokeha lekala latoka le tla ahlola ho latela molao. " Haebe Molao wa motheo o bua ka tokelo ya bothole seriti, ho bolela hore Lefapha la Toka le lokela ho ba basireletsi ba ditokelo tseo," o rialo. Letona Surty o itse Toka e Fihlella Bohle e bua ka mantswe a batho. " E nngwe ya diqeto tsa mmuso e ne e le hotheha Lekgotla le Phahameng la dinyeweporofenseng ena. Ena ha se taba yasepolotiki empa ke seo batho ba porofense ba se hlokang,' Letona la eketsa ka ho rialo. O itse ho tla bulwa sebaka se jwalonakong e sa fediseng pelo porofensengya Mpumalanga.
Moahlodi Ngoepe o itse ho entsweditekanyetso tsa tjhelete a kana ka R900000 bakeng sa laeborari ya Lekgotlale Phahameng la dinyewe Polokwane."Matlole ana a ile a sebedisetswa mabaka a mang hobane ho bile le ditiehisopele ho bulwa lekgotla lena la dinyewe, empa re tla netefatsa hore re bokeletsamatlole bakeng sa laeborari," o rialoMoahlodimoporesidente. O tswetsepele ka hore Lekgotla le Phahameng ladinyewe le tlamehile ho bontsha semelosa porofeshenale. O boleletse ba tlilengpulong hore ntlha e tla netefatsa hore hosebetsuwa seporofeshenale ke ho hirabaahlodi ba tsebang mosebetsi ebile ba nale mangolo a nepahetseng a thuto.
O itse makgotla a mofuta ona a bohlokwahaholo hobane setjhaba se hlabolohilengse rarolla ditseko makgotleng a dinyewe. Oboletse hore neng kapa neng ha batho baleba makgotleng a dinyewe, ba lokela hoba le tshepo e tiileng hore ba tla fumanatshebeletso ya boleng ho tswa baahlodingba hlwahlwa ebile ba tsebang mosebetsiwa bona. "Hang ha re na le tsamaiso yamakgotla a dinyewe e utlwahalang, esebetsang ka thata hape ka potlako, bathoba tla tla mme ba sebedise ditshebeletso tsa lekgotla," o rialo.
O tswetse pele ho bolela hore Lekgotla lePhahameng la dinyewe la Polokwane letla sebetsa hamonate jwaloka Makgotla a mang a Phahameng a dinyewe naheng."Lekgotla le Phahameng la dinyewe ekakantho e phelang. Le na le moya wa lona. Le na le tikoloho ya lona e ikgethileng lemokgwa wa lona o hlomphehileng," o rialo.
Moahlodimoporesidente o boletse hore"ka thuso ya basebetsimmoho, ke tlilohlokomela seriti sa lekgotla la dinyewe. Leha tshebetso ya rona e tlilo tena e meng yametswalle le maloko a rona, re tla tswelapele ho e sireletsa."
Letona la Mesebetsi ya Mmuso SetjhabengGeoffrey Doidge o ile a fetisetsa moaho wa Lekgotla le Phahameng la dinyewe hoLetona Surty. Ha a bua le batho, Letona Doidge o itse makgabane ohle a lokelwaho lebiswa ho MoahlodimoporesidenteNgoepe ka ho sebetsa ka thata ho tlisatoka bathong ho tloha ka 1976. O itselefapha la hae le lokela ho nka boikarabeloba lona kannete ka ho rala nako e sa le teng.
Letona le re ke hloka lekgotla la dinyewe,a rialo.
Ka Neville Gawula a ho lekolwa nalane ya Aforikaborwa ya sepolotiki le maemo a kotsi ao botlokotsebe bo fapaneng ba sepolotiki bo neng bo etswa tlasa ona nakong ya puso ya kgethollo le maikemisetso a ho leka ho phethela mosebetsi o sa kang ya phethelwa, Moporesedinte wa mehleng wa Aforikaborwa o ile a kenya tshebetsong puso le tsamaiso e kgethehileng ho lekodisisa dikopo tsa tshwarelo bakeng sa ba tlotseng molao ba ileng ba tshwarwa ka hore ba tlotse molao ka sepheo sa ho ntshetsa ditabatabelo tsa bona tsa sepolotiki pele. Ona e bile mosebetsi o boima haholo.
Sehlopha sa Tekolo (RG) se thehilweng ka ditho tse 15 tsa mekgatlo ya dipolotiki e teng Palamenteng e thehilwe semolao ho eletsa le ho tla ka ditshisinyo mabapi le kopo ka nngwe e tlisitsweng ho kopa tshwarelo. Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo tlasa boetepele ba Mong.
Sehlohong wa Tshireletso ya Dinyewe o ile a fuwa mosebetsi jwaloka Mongodi Sehlopheng sa Tekolo sepheo e le ho tla fana ka tshehetso tsamaisong.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ka bobedi pele Molao wa motheo o motjha le puso e qala ho sebetsa le kamorao ho moo, melao ya tshwarelo le tshireletso e ne e ntse e le teng ebile e sebediswa ho kwahela botlokotsebe (mme dintlheng tse ding tse amang setjhaba) ho nka boikarabelo le ho timetsa dikahlolo tsa botlokotsebe le direkoto tsa ditlolo tsa molao tsa batho ba tlotseng molao ka lebaka la dikgohlano tsa nako e fetileng, sena se ne se etswa ka sepheo sa sepolotiki pele ho la 10 Motsheanong 1994. Bophelo ba ditokomane tsena tsohle tsa molao, tse bitswang, Molao wa Tshireletso (Molao 35 wa 1990), Molao wa ho Tswela Pele ka Tshireletso (Molao 15 wa 1992) mme wa ho qetela e le Molao wa Ntshetsopele ya Kopano ya Setjhaba, 1995 (Molao 34 wa 1995)("Molao wa TRC"), e se e felletswe ke nako mme e ke ke ya hlola e sebediswa.
Moporesidente wa mehleng o ile a etsa qeto ya ho sebetsana le ntlha ena mme a phethele ka yona. Ka ho etsa jwalo, o ile a lekodisisa mehato yohle ya molao e teng e jwaloka karolo 82 le mehato e meng e teng Molaong wa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa wa 1998 (Molao wa No 51 wa 1977) jwaloka ha e le wa tlatsetso.
Moporesidente wa mehleng ha a ka a fumana ofe kapa ofe wa mehato ena e teng e tshwanela ho sebetsana le ntlha ena ka mokgwa o loketseng ebile o potlakisang ho etsa diqeto.
ya Molao wa motheo wa 1996 ("Molao wa motheo") ho sebetsana le "kgwebo ena e sa felang". Mehato ena ebile e tswellang ka Moporesidente ntlheng ya poelano ya setjhaba le ho bopa setjhaba e le kannete.
ya Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Aforikaborwa wa 1996 ("Molao wa motheo). Matla ana a kenyeletsa " ho tshwarela kapa tlohella kotlo ya ba tlotseng molao le ho lesa tefo efe kapa efe, dikotlo kapa ho hulwa menyetla."
Molao wa motheo o beha boikarabelo bo boholo mahetleng a Moporesidente jwalo ka ha ho hlakisitswe Lekgotleng la dinyewe la Molao wa motheo, ho tshwarela, jj. Ka mantswe a mang, mosebetsi wa motheo wa ho tshwarela o sallana le Moporesidente. Nakong eo a sebedisang matla ana, Moporesidente o etsa sena a lebile ditshisinyo tsa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo ho ntse ho ikamahantswe le karolo ya 101 ya Molao wa motheo.
Molao wa motheo le fihletse qeto ya hore matla a ho tshwarela tlasa karolo 82 ya Molao wa motheo wa Nakwana (oo ha jwale e leng karolo 84 (j) ya Molao wa motheo wa 1996) ka Moporesidente, " ha se ketso ya mohau ya poraefete ka kutlwisiso matla a tshwarelo jwaloka ka ya bohalaleding. Ke ho latela dipehelo tsa Molao wa motheo wa nakwana o reng Moporesidente o lokela ho fuwa matla ho lekola, ho latela kamoo a bonang ka teng, hore thekolohelo ya setjhaba e tla tswelliswa pele betere ka ho lesa dikahlolo tse ding kapa mekgwa e meng ya tshwarelo".
Lekgotla la Molao wa motheo le tswela pele hore: "Nyeweng eo ho leng thata ho yona hore Moporesidente a tshwarele kapa a lese kahlolo ya motshwaruwa a le mong, moo a nahanang hore a ka hlaselwa ka molao wa motheo ha a ka fana ka tshwarelo ya Moporesidente... Ha ho na motshwaruwa ya nang le tokelo ya ho tshwarelwa, ho leswe kahlolo kapa ho leswe tefello ya molato. Molao wa motheo wa nakwana o beha ntlha ena matleng a Moporesidente."
Lekgotla la molao wa motheo le tswela pele ho hlalosa maemo ana ka bobedi moo matla a ho tshwarela a ka bang bohlokwa, ho bolelwa moo ho lokiswang diphoso tsa kahlolo kapa ho fokotsa dikahlolo tse telele ho feta tekano; hape le ho bontsha mohau ho motho ofe kapa ofe kapa dihlopha tsa batshwaruwa ba ahlotsweng, ha Moporesidente a nahana hore seo se tla thusa ditabatabelong tsa setjhaba ha seo se ka etsahala.
Ke mang ya tshwanelwang ketshwarelo?
Batho ba ahloletsweng hore ba tlotse molao ka ho etsa diketso tse kgannwang ke sepolotiki pele ho la 16 Phupjane 1999; hape le ba ntseng ba jere kahlolo ya bona ya ho hlola tjhankaneng; kapa ba ileng ba lahlelwa tjhankaneng kapa ba fuwa kotlo.
Batho ba SA KANG ba ikamahanya le dipehelo tse tekilweng ka pele, ka la kapa pele dikgwedi tse tharo "tsa ho hlelwa hape" di fihla pheletsong.
Sena se hlalositswe ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo e le ketso ya mohau le kutlwelobohloko e lekolwang ke bookamedi bo phahameng naheng e le karolo ya tshebetso ya molao wa rona wa motheo, kopo ya tshwarelo e hlaha ho puso le taolo e kgethehileng e tla shebana le ditlolo tsa molao tse entsweng ka morero wa sepolotiki mme haebe e ya atleha, motho ya tlotseng molao a tshwarelwe mme seo se bolela hore o tla lokollwa tjhankaneng (haebe a ntse a le tjhankaneng) mme rekoto ya hae ya tlolo ya molao e phomulwe.
Tsamaiso e qadile ka Pherekgong selemong se fetileng mme ha behwa letsatsi la ho phethela la 15 Mmesa 2008, empa ho ile ha atoloswa ho fihlela mafelong a Motsheanong hona selemong seo.
dintlha ka botlalo tsa tlolo ya molao, mofuta le boima ba tlolo ya molao, mabaka a susumeleditseng tlolo ya molao e entsweng, letsatsi le sebaka seo tlolo ena ya molao e etseditsweng ho sona, diphuphutso tsa lekgotla la molao le kahlolo eo ho fanweng ka yona, sepheo sa motho ya entseng kopo, motho ya entseng kopo o fumane melemo efe kapa mokgatlo wa hae o fumane melemo efe kapa yena o ne a tshepile hore o tla fumana molemo ofe, haebe a hlalosa hore o entse seo ka maikemisetso a sepolotiki, seo o se entse ka leano lefe kapa ka taelo ya mang; le hore ebe na ho na le kgokahano kapa bonnete kopong e tlisitsweng ke motho enwa ya etsang kopo.
Dikopo tsohle di hlahlobuwe ke Mongodi pele di romelwa Sehlopheng sa Tekolo. Sehlopha sa Tekolo se ile sa lokela ho lekola kopo ka nngwe ho latela mabaka a yona mme se fane ka ditshisinyo tsa sona pele se di romela ho Moporesidente e leng yena ya nang le lentswe la ho qetela ntlheng ya tshwarelo le hore ke mang ya tshwanelwang ke tshwarelo kapa ya sa tshwanelwang ke tshwarelo.
Motho ya entseng kopo efela e le "ya tlotseng molao ka lebaka la sepolotiki" le hore le ha ho le jwalo sena se tla lekola ditabatabelo tsa setjhaba ha motho enwa a tshwarelwa; hape le hore ii ho lokollwa ha motho enwa ya entseng kopo ho ke ke ha beha setjhaba kotsing.
Sehlopha sa Tekolo se ile sa amohela hore tsela eo se sebeditseng ka yona nakong eo ba hlalosetsang Moporesidente e bontsha bopaki ba hore setjhaba se ke ke sa behwa kotsing ebile ke molemong wa setjhaba sohle ho tshwarela ba tlotseng molao ka mabaka a sepolotiki ntlheng ya ntshetsopele ya poelano naheng. Le ha ho le jwalo, Sehlopha sa Tekolo se tseba hantle kotsi ya ho lokolla batho ba nkuwang ba le kotsi setjhabeng. Ho bile thata ho hlahloba hore efela e le nnete hore motho ya tlotseng molao o sokolotswe, le ha ho tsebisahala hore batho bohle ba entseng dikopo ba ile ba kengwa mofuteng o itseng wa lenaneo la tshokollo Lefapheng la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa.
Mokgwa wa tshebetso wa Sehlopha sa Tekolo e ne e le ho lekola hore eba na ho bile le letshwao lefe kapa lefe le bontshang hore motho ya entseng kopo a ka ba kotsi setjhabeng.
dintlha dife kapa dife tsa bookamedi ba ditshebeletso tsa tshokollo tse ka thusang le ho hlakisa hore na motho ya entseng kopo o tla ba kotsi setjhabeng kapa tjhe.
Ha ho hlahlobuwa dikopo sepheo e le ho etsa ditshisinyo, ho ile ha hlaka hore boholo ba batho ba entseng dikopo bo ne bo itshetlehile maikemisetsong a sepolotiki e le lona lebaka le ka sehlohong la ditlolo tsa molao. Dikopong tsa bona, ha se hangata moo ba hlalositseng hore ba susumeleditswe ke maemo afe ho etsa diketso tseo le hore ba di entse jwang.
Ho tshwara makoloi a tsamaisang tjhelete kapa ho kenela dibanka; lena ke lebaka le hlahiswang hobane ba ne ba leka ho bokoletsa tjhelete bakeng sa diketsahalo tsa sepolotiki lebitsong la ho "bokeletsa tjhelete" kapa "ho kgutlisetswa seo e leng sa bona" kapa ho reka dibetsa sepheo e le ho itshireletsa le ho sireletsa mekgatlo ya bona.
Ho tshwara poho le ho sebedisa mahahapa le dipolao; lena lebaka le hlahiswa hobane ba ne susumeletswa ke mabaka a sepolotiki a ho "kgutlisetswa seo e leng sa bona" kapa ho fedisa tlhokeho ya toka le kgethollo ya nako e fetileng.
Ditlolo tsa molao tse amanang le ditlhaselo le dipolayano pakeng tsa dira tsa sepolotiki tse jwaloka Diyuniti tsa Boitshireletso (SDU's) le (SPU's); ana ke mabaka a hlahisitsweng hobane ho ne ho lekwa ho kgothaletswa maemo a sepolotiki a hlokang merusu. Ana ebile maemo ditlong tsa molao tse entsweng nakong ya dikgohlano pakeng tsa ANC le UDM, pakeng tsa IFP le ANC hape le pakeng tsa UDM le IFP ho la KwaZulu-Natal le dibakeng tse ding naheng. Ho bile thata haholo ho hlakelwa hore efela botlokotsebe bo ne bo etswa ka lebaka la tshusumetso ya sepolotiki mme Sehlopha sa Tekolo se ne se hlile se hlokometse hore se se ke sa amohela dipolelo tse sa hokahaneng ka tsela efe kapa efe.
Maemong a mang hape a mangata, batho ba entseng kopo ba ile ba leka ho hlahisa motswako wa bothata ba sepolotiki le ha ho ne ho hlile ho hlakile hore tse ding di bakuwe ke ho se utlwane ka hara mokgatlo bowona, di bakuwe ke ditseko tsa mesebetsi, tse ding di bakuwe ke kgethollo ya mmala le ditlhapa, mabaka a mang ke a boloi kapa a hlahile ka lebaka la ho se utlwane malapeng (ao maemong a mang a nang le metheo ya sepolotiki ka hare empa a ke keng a nkuwa e le "merusu ya sepolotiki" ho latela mokgwa wa tshebetso).
Sehlopha sa Tekolo ha se a ka sa etsa qeto e tsitsitseng: dinyeweng tse mmalwa, kopo e ne e ka atleha fela ha motho ya entseng kopo a ne a ipuella ka molomo wa hae. Moo ho neng ho se na kgokahano kapa tshehetso ya mokgatlo kapa kahlolo e fanang ka boitshetleho ba botlokotsebe boo, Sehlopha sa Tekolo se rekotile fatshe: Ha e kgothaletswe ka lebaka la dintlha tse sa fellang. Ho ile ha nkuwa mehato yohle ho hlokomela hore ha ho nkuwe le ho tshepa lehlakore le le leng fela la motho ya entseng kopo.
Ditlolo tsa molao tse entsweng pele ho 1994. Tsena boholo di amana le Mekgatlo ya Tokoloho e neng e le kgahlano le diinstitushene tsohle tse amanang le puso ya kgethollo. Le ha ho le jwalo, ho bile le merusu dipakeng tsa yona mekgatlo eo naheng ka bophara e ileng ya susumetsa hore ho be le ditherisano tse tlisang puso ya molao wa motheo.
Batho ba kgahlano le Botsotsi le Dithethefatsi (PAGAD). Tsena ebile dikopo tsa batho ba tswang Kapa Botjhabela (Western Cape) moo medingwana ya dithethefatsi e neng e lwanenela lepatlelo la dithekiso le ho hweba ka dithethefatsi kapa ho rekisetsa baahi ba itseng dithethefatsi.
Merusu ya ditekesi. Dikopo tsena tsohle di ne di sa susumeletswa ke sepolotiki ho hang ka ha e ne e le mekgatlo ya ditekesi e fapaneng e lwanelang ditsela ha e meng e ne e le kgahlano le lenaneo la diphetoho indasetering ya ditekesi leo mmuso o tla le kenya tshebetsong.
Boshodu ba mehlape. Tsena ke dinyewe tse hlahang haholo Transkei ya mehleng (i.e Tsolo le Qumbu) dibakeng tsena ke moo baahi ba metseng ba neng ba lwantshana le mashodu a mehlape ho sireletsa leruo la bona.
Ho kgutlisetswa seo e leng sa hao", ho boloka dibetsa le "ho pokello ya matlole". Batho bohle ba entseng dikopo tsena tsohle ba hlaha mokgatlong wa (PAC) ba ileng ba tlola molao ka ho tshwara poho le diketso tse fapaneng tsa botlokotsebe tse mpe moo ba lekang ho ntshetsa pele leano la bona la ho nka ntho efe kapa efe ya moruo eo e leng ya puso e nyenyane ya ba basweu. Tsena di kenyeletsa ho tshwara makoloi a tsamaisang ditjhelete, ho kenela dibanka, jj.
Merusu pakeng tsa mekga ya dipolotiki. Dinyewe tsena di bakilwe ke merusu pakeng tsa ANC le IFP, ANC le UDM. Dinyewe tsa Richmond di wela hantle mokgahlelong ona.
hMerusu ya ho ikarabella ka AWB le ba bang. Mona batho ba entseng dikopo ke ban eng ba le kgahlano le ANC le mme ba batla ho tswele pele ka puso yak gale. Mokgahlelong ona ho kenyeleditswe ditho tsa mabotho a nako e fetileng a neng a hlasela boradipolotiki ba itseng ba hlahelletseng ka mahetla.
Ditlhlaselo tsa Mapolasing le dipolao. Ditlolo tsena tsa molao di entswe ke ditho tsa PAC le ANC ha ba ne ba leka ho iphethetsa le ho fedisa diketso tse hlokang toka tsa nako e fetileng kgahlano le borapolasi bohle ba basweu.
Ditshisinyo ho MoporesidenteMona ho sa kenyeletswa dikopo tse rometsweng kamora la 31 Ho fumanwe dikopo tsa batho ba dikete tse pedi le lekgolo le Motsheanong 2008. Moralo wa setshwantsho se latelang o fana metso e robong ba kopang tshwarelo tsamaisong ena.
Ho bile le dikopo tse 29 moo ditho tsa Sehlopha sa Tekolo di neng di fapana ka mmono hore na ho sisingwa hore ba tshwarelwe kapa ba se tshwarelwe. Ntlheng ena, ho ile haebe le dingangisano tse tebileng mahareng a ditho tsa Sehlopha sa Tekolo, empa ba ile ba se dumellane ka ntswe leng ntlheng ena. Seratswana sa 10.3 ya mokgwa wa tekolo se hlalosa hore "ditshisinyo tse entsweng ke Sehlopha sa Tekolo ho latela kopo ya tshwarelo ka nngwe di tlamehile ho bontsha palo ya bongata le palo ya bonyenyane ya maikutlo le mmono wa ditho, haebe e le teng, bakeng sa kopo e nngwe le e nngwe". Dikopo tsohle tse welang mokgahlelong ona di ile tsa romelwa ho Moporesidente ho di lekola.
Sephetho sa makgaolakgang tsamaisong ena se ile sa fetisetswa ho Moporesidente maqalong a Hlakubele moo a ileng a bontsha maikutlo a hae a kamohelo ka mosebetsi o entsweng ke Sehlopha sa Tekolo le Bongodi mme a bontsha hore e ne e se tsamaiso e bonolo. Re kopile ka hohlehohle hore Moporesidente a etse qeto kapele kamoo a kgonang e le hore batho ba entseng kopo ba tle ba tsebiswe esale ka nako.
Ka la 19 Hlakubele 2009, Khulumani le ba bang ba ile ba etsa kopo e potlakileng Lekgotleng le Phahameng la dinyewe North Gauteng moo ba thibelang Moporesidente ho lekola kopo efe kapa efe ya tshwarelo ho fihlela mahlatsipa a botlokotsebe a fuwa monyetla wa boemedi dikopong tseo tsa tshwarelo mme ba dumellwe ho fumana dikopo tse nepahetseng tsa tshwarelo ho kenyeletswa ditshisinyo tsa Sehlopha sa Tekolo.
Taba ena e ile ya sekasekwa ka 14 Mmesa 2009 mme pheletsong ho ile ha tswa kahlolo mme molemo wa leba lehlakoreng la batho ba entseng kopo ka la 28 Mmesa 2009. Re lekodisitse kahlolo eo mme re hlokomedisitswe ke Boeletsi hore kahlolo eo e diphoso hobane Moahlodi ya Rutehileng ha a hlakise hore kahlolo ya hae e sebetsane le Karolo A ya tsebiso ya mabaka a hlahisitsweng (thuso ya nakwana) fela kapa ka bobedi Karolo A le Karolo B ya tsebiso ya mabaka (thuso e phethahetseng).
Se makatsang ke hore, Moahlodi eo ya rutehileng o ntshitse ditaelo tse hlokehang, empa e seng fela Karolong ya A empa Karolong ya B ya tsebiso ya mabaka. Ho bonahala eka, le ha ho le jwalo, ka kutlwisiso e feletseng, Moahlodi ya rutehileng ha a etsa qeto fela hodima thuso ya nakwana empa hape hodima thuso e phethahetseng nakong eo ditsamaiso tsa nyewe tse behilweng ka pela hae di neng di amana fela le ho lekola thuso ya nakwana, mona ho bolelwa, taelo ya ho kena dipakeng. Ho theha hodima tlhokomediso ya Boeletsi, re motjheng wa ho lekola taba ya boipiletso qetong e nkuweng ke Seriti J ka ha e jere ditaba tse matla bakeng sa tsamaiso yohle ya tshwarelo Bookameding bo kgethehileng.
Dilemong tse tharo tsa yona e le teng, Yuniti e Bohareng ya Phethiso ya Ditjhelete ka Elektroniki (CEFTU) e entsetswelopele ya bohlokwa ho ntjhafatseng mokgwatshebetsowa tjhelete ya kgodiso ya bana le ho netefaletsa malapa amangata a tshepetseng ho yona tshireletso ya tsa ditjhelete. Kaho fana ka tshebeletso hore baamohedi ba amohele ditefello diakhaonteng tsa bona tsa banka ka ho otloloha, ho na le holata tjhelete makgotleng a dinyewe, hara tse ding, yuniti ethusitse ho fokotsa mela e melelele makgotleng a dinyewe; efokoditse ditjeho tsa dipalangwang tsa setjhaba le ho ntlafatsamekgwa ya tshebetso e ka hare ya taolo.
Ha jwale CEFTU e na le basebetsi ba nakwana ba 29 baentseng ditefello tse 115 628 tsa boleng ba dimiliyone tse 63 767 216, 00 tsa diranta ka Pherekgong 2009, lebitsong la dikantoro tse 319.
Tshitwe 2008 CEFTU e entse ditefello tse ka hodimo ho 945 656 tsa boleng ba dimiliyone tse 498 tsa diranta. Sena se ka be se sa fihlellwa ntle le thuso ya makgotla a mangata a dinyewe le basebetsi ba mabatowa ba ikarabellang papatsong yaditefello ho baamohedi ba tjhelete ya kgodiso ya bana ka EFT, ba hlophisang dishejule tsa ditefello le ho lokisa direkoto tsaditjhelete tsa makgotla.
Limpopo 23 511 495.
Mpumalanga 7 992 465.
Kapa Leboya 583 232.
Baamohedi ba tjhelete ya kgodiso ya bana ba lakatsangho amohela ditjhelete tsa bona diakhaonteng tsa bona tsabanka ba lokela ho etsa kopo lekgotleng la dinyewe moo baamohelang ditefello tsa bona tsa tjhelete ya kgodiso. Ho etswatlhahiso ya hore ho bulwe diakhaonte tsa Mzansi bankengya kgetho ya motho kapa Posong. Diakhaonte tsa Mzansi keakhaonte tsa banka tsa ditjeho tse tlase . Ka bomadimabe, baamohedi ba tlameha ho itefella ditjeho tsa bona tsa bankatse amanang le diakhaonte tsena.
<fn>JT_2010_issue1_sot.txt</fn>
Ho hweba ka/Thekiso ya batho ke e nngwe ya mathata a maholo lefatsheng mme hangata batho ba rekisetswa ho sotlwa ka thobalano le ho sebediswa ka mahahapa/qobello. Ha jwale, lefapha le sebetsa ka Bili e kenyelletsang dintho kaofela Thekisong e tla thusa naha ena haholo twantshong e kgahlanong le thekiso ya batho. Dintlhakgolo tsa Bili di etswe hloko phatlalatsong ena.
Ho ntlafatsa phihlello ya toka ho bohle ho dula ho le ka hodimo lenanetsamaisong la rona. Haufinyana, bomaseterata ba makgotla a dinyewe a mabatowa ba kopane ho bontshana/ sheba ditsela tsa ho netefatsa hore toka e bonwa/bonahala e phethahatswa ka mokgwa wa tshebetso e hlwahlwa.
Bobodu ke phepetso eo dinaha tse ngata di tobaneng le yona, naha ya rona le yona e balellwa.
Tshepo, mme bo senya filosofi ya mebuso ya demokerasi Bala ka boikemisetso ba mmuso twantshong e kgahlanong le bobodu. Boikemisetso bo tjena/jwalo bo boetse bo hloka hore lona jwaloka ditho tsa setjhaba le utlwisise dikarolo tseo le di bapalang mme le eme ka maoto/bapale karolo ya bohlokwa tlhahisong ya dibopeho kaofela tsa bobodu tseo le teanang le tsona.
Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa 2010 o haufinyana. Lefapha le malalalaotswe ho sebetsana le melato kaofela e tla etswa nakong ya thonamente. Diofisiri tsa Toka di ikanne ho bontsha tshehetso ya tsona Mohopeng wa Lefatshe. Sena se bontshitswe ka ditsela tse fapaneng, ka ho ba karolo ya Bolo ya maoto ka boLabohlano, ho ba karolo ya letsholo la ho fofiswa ha folakga le ho ithuta tantshe ya diski, ho bolela tse mmalwa feela.
O se lebale ho phepetsa boko ba hao ka ho etsa malepa a morabaraba wa mantswe. Tswelapele ho re romella maikutlo a hao, a re thusa haholo. Natefelwa!
Ka Engela Steyn a matsapa a lona a ho lwantsha ditlolo tsa molao tsa bosenyi, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le entse moralo wa Bili ya 2010, ya ho Thibela le ho Lwantsha Thekiso ya Batho. Bili ena e hlaha dipatlisisong tse entsweng ke Khomishene ya Kahobotjha ya Molao ya Aforika e ka Borwa (Khomishene ya kahobotjha ya Molao) ka thekiso ya batho e seng e qadile pejana ka 2003. Khomishene ya Kahobotjha ya Molao e kopile maikutlo dikopanong tsa boitjhoriso naheng ka bophara mme ya hlahisa pampiri ya taba le pampiri ya maikutlo. Pehelo ya ho qetela e isitswe semmuso ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo la mehleng, Mong. Enver Surty ka Pudungwana 2008. Hape, ka Motsheanong 2009 Bili e ile ya phatlalatswa hore setjhaba se ntshe maikutlo mme maikutlo a ntshitsweng a amohetsweng a ile a hlahlobisiswa mme, moo ho lokelang, a kenngwa Biling ya jwale.
Ho na le mohopolo wa hore ha jwale ha ho na molao wa ka hara naha/lehae o ka sebedisetswang qoso ya dinyewe tsa thekiso ya batho. Leha Riphaboliki ya Aforika Borwa e hloka Molao o sebetsanang le thekiso ya batho ka ho toba, ho lebiswa Molaong wa 2007 wa Tokiso ya Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano le Ditaba tse Amanang le tsona) (Molao wa 32 wa 2007) (Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano), le Molao wa 2005 wa Bana (Molao wa 38 wa 2005) (Molao wa Bana), o nang le ditlhoko tse amanang le thekiso ya batho. Leha ho le jwalo, Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano o bona ketso ya thekiso ya batho bakeng sa sepheo sa thobalano feela e le ketso ya bosenyi, ha Molao wa Bana o sebetsana le thekiso ya bana ka ho phethahala. Ditlhoko tsa Molao wa Bana o amanang le thekiso ya bana di tla kena tshebetsong ka Motshehanong 2010.
Melao e meng eo ha jwale e ka sebedisetswang ho qosa batho ba belaellwang ho hweba ka batho e kenyelletsa Molao wa 1957 wa Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano; Molao wa 1956 wa Pokello wa Riotous; Molao wa 2002 wa Phallo/ ho Falla; Molao wa 1997 wa Maemo a Motheo a Mosebetsi; Molao wa 1982 wa Botshosetsi; Molao wa 1998 wa Merusu ya Lapeng; Molao wa 1996 wa Difilimi le Diphatlalatso le Molao wa 1998 wa Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi tse Hlophisitsweng. Tlasa molao o tlwaelehileng, ho ya ka maemo a nyewe ka nngwe, batho ba belaellwang ho hweba ka batho ba ka qoswa ka ho utswa batho, ho ntsha kotsi ho tlwaelehileng, ho ntsha kotsi/otla ka maikemisetso a ho ntsha kotsi mmeleng, kgapo, teko ya polao le polao.
RAB le yona ke e nngwe ya dinaha tse saeneng Tumellano ya Kopano ya Dinaha ho Thibela, ho Hatella le ho fana ka Kotlo Thekisong ya Batho, haholoholo Basadi le Bana ka 2000, mme e hlokeha ho amohela molao wa kahara naha o sebetsanang le thekiso ya batho hore o kgone ho phethahatsa ditlameho tsa yona tsa matjhaba.
Ho ya ka Khomishene ya Kahobotjha ya Molao, tse ding tsa dintho tsa sehlooho tse bakang thekiso ya batho ke bofuma, ntwa le ho hloka botsitso dipolotiking. Thekiso ya batho ke bothata ba lefatshe ka bophara mme ke e nngwe ya dikgwebo tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi tse tlisang tjhelete e ngata lefatshe kaofela. Batho ba rekisetswa haholo ho tshwarwa hampe thobalanong le ho sebediswa ka mahahapa/qobello. Mahlatsipa a thekiso a kopana le mathata a mangata, a jwaloka ho senyeha mmeleng le moyeng/ maikutlong, mathata a bophelo, tshebediso e mpe ya dithethefatsi le jwala le maemo a sa amohelehang a ho ngongoreha.
Bili e ikemiseditse ho phethahatsa Tumellano ya Kopano ya Dinaha le ho dumella ho qoswa ha batho ba rekisang ka batho le ho diha dikahlolo tse loketseng; bakeng sa thibelo ya thekiso le tshireletso le thuso ya mahlatsipa a thekiso; bakeng sa ha mehato e sebetsang hantle ya qobello le ho fedisa/lwantsha thekiso ya batho ka kakaretso.
Tekong ya ho thibela thekiso ya batho, polelwana ya 3 ya Bili e dumella hore mananeo a tlhokomediso ya setjhaba le mehato e meng e tlameha ho kenngwa tshebetsong ho parola naha. Mananeo ana a tlameha ho hlahisetsa setjhaba lesedi le ho se ruta, haholoholo bao ba kotsing ya ho utlwiswa bohloko kapa ba kotsing ya ho ba mahlatsipa a thekiso, ditabeng tse fapaneng tse amanang le thekiso, tse jwaloka mekgwa e tlwaelehileng ya ho hira, ditshebetso tse sebedisetswang ho boloka mahlatsipa maemong a tshwaro e mpe le mekgatlo eo ho ka iteanywang le yona ho thusa le ho fana ka tlhahisoleseding.
Ha o tadima mofuta wa diketso tsa bosenyi lefatsheng, ho ya ka polelwana ya 10, Makgotla a Dinyewe a Aforika Borwa a tla ba le tokelo ya boahlodi mabapi le diketso tse entsweng kantle ho RAB ha diketso tseo e ne e le tlolo ya molao tlasa Bili ha di ne di entswe RAB. Diketso tsa maikemisetso a ho tlola molao tlasa karolo ya 3, kapa diketso tse hlohlelletsang, tse tsosang meferefere, tse laelang, tse laolang, tse thusang, tse ntshetsang pele, tse eletsang, tse hirang, tse kgothalletsang kapa tse etsang hore motho ofe kapa ofe e mong a hwebe ka mmele ho etsa tlolo ya molao tlasa karolo ya 3 kapa motho ofe kapa ofe ya rerang bobe le motho ofe kapa ofe e mong ho etsa ketso ya tlolo e jwalo, o molato wa tlolo ya molao ya ho ba karolo thekisong ya batho.
Mofuta o kotsi wa thekiso ya batho le ditlolo tse amanang le yona o lokela ho tiiswa makgotleng a dinyewe ho netefatsa hore ho dihwa/fanwa ka kahlolo e loketseng.
hore na tlolo ya molao e ne e le karolo ya mesebetsi ya sehlopha se hlophilweng sa tlolo ya molao ya bosenyi hore na lehlatsipa e ne e le ngwana.
Dikotlo tsa ditefo tse ka etswang ntle le kopo ho ya ka ditlolo tsena di tsamaella ho tloha ho ditjhelete tse lefiswang le ho kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano ho isa ho ho kwallwa tjhankaneng dilemo tsohle tsa bophelo ba motho. Mojari a ka lefiswa tjhelete e fihlang ho miliyone e le 1 ya diranta.
Bili e hatella bohlokwa ba ho tshireletsa le ho thusa mahlatsipa a thekiso.
e jarisa diofisiri tsa phallo, bahlahlobi ba tsa mesebetsi, diporofeshenale tse itseng, dingaka tsa setso kapa baetapele ba setso ho tlaleha ngwana eo ba belaelang hore ke lehlatsipa la thekiso, lepoleseng bakeng sa patlisiso, ntle le molao, leano kapa motheo ofe kapa ofe wa boitshwaro o thibelang ho hlahiswa ha tlhahisoleseding.
Lekunutu la tsebiso ya motho pakeng tsa motho wa porofeshenale le ngwana jwaloka mokudi wa hae kapa motho ya fuwang tshebeletso le tlameha ho hlontjhwa mme motho wa porofeshenale a ka tlola melao, maano kapa metheo ya boitshwaro ha tsebiso/ tlhahisoleseding e mabapi le mokudi kapa motho ya fuwang tshebeletso e bolellwa lepolesa. Kahoo, polelwana e reng "ntle le molao, leano kapa motheo ofe kapa ofe wa boitshwaro" e leka ho etsa hore batho ba porofeshenale ba tlalehe mahlatsipa a bana ntle le tshabo ya ho tlola molao, leano kapa metheo ya boitshwaro e tsamaellanang le diporofeshene tsa bona. Polelwana e etsa hore motho e mong le e mong a tlamehe/qobellehe ho tlaleha mahlatsipa a bana a belaellwang a thekiso ho lepolesa ho etsa patlisiso e tswelang pele. Mahlatsipa a bana a thekiso a tla wela tlasa mehato kaofela ya tshireletso ya Molao wa Bana.
Mohlala, polelwana ya 12 e dumella hore tshebetso e karolong ya 110 ya Molao wa Bana, e sebetsanang le tlaleho ya bana ba hlekefatswang kapa ba lahlilweng, ba sa hlokomelweng kapa bana ba hlokang tlhokomelo le tshireletso e tlameha ho latelwa. Polelwana ya 14 e dumella hore ho ya ka karolo ya 155, patlisiso ya Molao wa Bana e tlameha ho etswa bakeng sa lehlatsipa la ngwana la thekiso ho bolelang hore mosebeletsi wa setjhaba o tlameha ho batlisisa ka taba mme a etse/ngole pehelo/raporoto ka hore na ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso. Mahlatsipa a bana a thekiso le oona a tlameha ho hlaha makgotleng a dinyewe a bana.
Polelwana ya 30 e dumella hore ngwana ya tswang naheng ya kantle a ke ke a kgutlisetswa naheng ya habo ntle leha hara tse ding, ho shebisisitswe molemo o loketseng boemo ba ngwana ka ho fetisisa jwaloka ha ho dumelletswe karolong ya 7 ya Molao wa bana. Karolo ya 7 ya Molao wa Bana e dumella hore ho hlokomelwe/nahanelwe mabaka a mang, a jwaloka mofuta wa kamano pakeng tsa ngwana le batswadi ba hae kapa bahlokomedi ba bang, bakgoni ba batswadi kapa mohlokomedi e mong ho hlokomela ngwana, dilemo tsa ngwana le kgolo ya hae. Polelwaneng ya 33, Bili ka bo yona e dumella ho felehetswa ha ngwana ho tloha sebakeng seo a fumanweng ho sona ho ya sebakeng seo ngwana a nkilweng ho sona ho rekiswa.
Polelwana ya 34 e dumella hore ha lekgotla la dinyewe la bana le na le lebaka la ho kgolwa hore motswadi kapa motho e mong ya nang le maikarabelo le ditokelo tsa botswadi ngwaneng o rekisitse ngwana eo, lekgotla la dinyewe le ka emisa maikarabelo le ditokelo tseo tsa botswadi nako e itseng mme la beha ngwana tlhokomelong e bolokehileng ya nakwana. Leha ho le jwalo, motswadi kapa motho e mong ya nang le maikarabelo le ditokelo tsa botswadi o ntse a na le boikarabelo ba ketso ya ho tlola molao wa thekiso ya batho.
Polelwana ya 13 e jarisa diofisiri, diporofeshenale, basebetsi ba tsa maphelo ba setso, dingaka tsa setso le baetapele ba bang ba setso boikarabelo ba ho tlalehela lepolesa motho e moholo eo ba nang le mabaka a ho belaela hore ke lehlatsipa la thekiso ya batho bakeng sa patlisiso e tswelangpele. Leha ho le jwalo, mekgahlelo e meng ya batho ba hlokang ho tlaleha e tlameha ho fumana tumello ya motho e moholo ya amehang pele, kantle le moo motho a sa itekanelang kelellong kapa a le boemong ba ho se utlwe. Lebaka la tumello/tlhoko ena ke hore motho e moholo o na le tokelo ya ho etsa qeto ya hore o qosa mophepetsi kapa tjhe. Ka lebaka la porofeshene le kamano ya bona le lehlatsipa le nahenelwang, batho bana hape ba tlameha ho hlompha lekunutu la "bakudi" ba bona mme ba tshware tlhahisoleseding eo ba e fumanang nakong ya mosebetsi wa bona ka lekunutu le hlokehang Sena ha se hlokehe ho etsahala ka diofisiri tsa phallo, bahlahlobi ba tsa mesebetsi le mapolesa a hlokang ho phetha ho ya ka molao le ho netefatsa hore batlolamolao ba a tshwarwa. Polelwana ya 13 e tswelapele ho dumella hore ditho tsa setjhaba di ka tlaleha motho e moholo ya belaelwang ka mabaka ho ba lehlatsipa la thekiso ho lepolesa bakeng sa patlisiso e tswelangpele.
Riphaboliki ya Aforika Borwa (polelwana ya 15).
Hape sena se tla etsa hore mekgatlo e sebedisang melao e kgone ho etsa dipatlisiso le ho qosa bahwedi/barekisi ka ho sebedisa mahlatsipa ana jwaloka dipaki. Hape ho entswe tumello ya hore nyewe ya tlolo ya molao ya bosenyi e kgutlisetswe morao kapa e hlakolwe, kapa bakeng sa ho lokollwa ha lehlatsipa, moo motjhutjhisi a belaelang hore motho ya qoswang ke lehlatsipa la thekiso.
Mahlatsipa a dinaha tsa kantle a thekiso a ka fuwa 'nako ya ho hlaphohelwa le ho imamela', ho dula RAB ho fihlela matsatsi a 90 (polelwana ya 17). Maemong a mang, ditumello tsa bodulo tsa nakwana (polelwana ya 18) le ditumello tsa bodulo tsa nako tsohle (polelwana ya 19) di ka fuwa mahlatsipa a dinaha tsa kantle.
Mekgatlo e amohetsweng.
e ke ke ya kgutlisetsa lehlatsipa la thekiso le rekisitsweng kahare ho meedi ya Riphaboliki, sebakeng seo le rekisitsweng ho sona ntle le ho sheba/nahana ka polokeho ya lehlatsipa leo (polelwana ya 25); mme e tlameha ho isa tsebiso e itseng ka mahlatsipa le tlhokomelo ya oona ho Motsamaisikakaretso wa Ntshetsopele ya Setjhaba (polelwana ya 26).
Justice Today l ba tshwerweng. Polelwana ya 27 e fana ka tumello ya hore puseletso ya tefello e ka ba bakeng sa ditshenyehelo kapa tahlehelo kapa tshenyo ya ntlo/thepa le tjhelete, bakeng sa kotsi mmeleng, kelellong kapa e nngwe, bakeng sa ho tshwaetswa ke lefu le bolayang kapa bakeng sa tahlehelo ya moputso kapa tshehetso, eo lehlatsipa le sotlehileng ka lebaka la yona. Ka boiponelo ba lona, lekgotla la dinyewe le ka ntsha warante ya phanyeho/polao, le laele sherifi ho kgutlisa tjhelete ya puseletso ya tefello ka ho hlomathisa le ho rekisa thepa e ka tloswang eo e leng ya motho ya tshwerweng. Hape ho entswe tumello bakeng sa kgetho e nngwe, e tsejwang ka hore lehlatsipa le ka sebedisa tsamaiso ya phanyeho/polao lekgotleng la dinyewe tsa setjhaba, ho kgutlisa tjhelete ya puseletso ya tefello, moo taelo ya puseletso ya tefello e sa phethahatswang. Ho tlatsetsa kotlong efe kapa efe, polelwana ya 28 e fana ka tumello ya hore lekgotla la dinyewe le ka fana ka taelo ya kgapeletso ho motho ya tshwerweng, mme, tlatsetsong ya taelo efe kapa efe ya puseletso ya tefello le ka etsa molemong wa lehlatsipa, mme ha motjhutjhisi a kenya kopo, le ka laela motho ya tshwerweng ho lefa Mmuso puseletso ya tefello bakeng sa ditshenyehelo tse amanang le tlhokomelo, bodulo, ho palamisa le kgutlisetso ya lehlatsipa la tlolo ya molao naheng ya habo lona.
Polelwaneng ya 29, Bili e tswelapele ho thibela kgutlisetso ya mahlatsipa a kantle dinaheng tsa habo oona, ebang a kgutliseditswe habo oona, dipolelwana tsa 30 le 31 di fana ka tumello ya tshebetso e loketseng ya kgutlisetso ya lehlatsipa habo lona, ho elwa hlokopolokeho ya mahlatsipa nyeweng ka nngwe.
Polelwana ya 32 e fana ka tumello ya kamohelo le thuso ho lehlatsipa la thekiso leo e leng moahi wa bodulo ba nako tsohle wa Riphaboliki ya Aforika Borwa ya kgutlelang RAB.
Polelwana ya 35 e beha motheo bakeng sa ditumello tsa dinaha tse pedi, lebatowa le dinaha tse ngata thekisong ya batho pakeng tsa Riphaboliki ya Aforika Borwa le dinaha tse ding mme e sebetsa ho ya ka Tumellano ya Thekisong ya Batho. E fana ka tumello ya hore Poresidente a kene tumellanong le dinaha tsa kantle mabapi le ditaba tsa thekiso ya batho.
Polelwana ya 36 e fana ka tumello ya hore Khomishenara ya Naha ya Sepolesa, Motsamaisi wa naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba le Balaodikakaretso: Merero ya Lehae le Mesebetsi ba tlameha ho ntsha ditaelo le ditsamaiso tseo diofisiri tsa bona di tlamehang ho phethahatsa ho ya ka tsona ha ba sebetsana le ditaba tse amanang le thekiso naheng. Hara tse ding, ditaelo le ditsamaiso tsena di tlameha ho fana ka mokgwa oo dinyewe tsa thekiso di lokelang ho tlalehwa, ho batlisiswa le ho qoswa ka oona, mokgwa oo mahlatsipa a thekiso a lokelang ho tsebahatswa/hlwauwa, ho kenela puisano eo a botswang dipotso le ho tshwarwa ka oona le mehato ho netefatsa polokeho ya mahlatsipa le dipaki.
Polelwana e tswelapele ho fana ka tumello ya ntshetsopele ya dithuto tsa thupello tse tlamehang ho kenyeletsa thupello ditaelong le ditsamaisong naheng. E fana ka tumello le ho ntlafatsa tshebediso ya ditlwaelo, maemo le ditsamaiso tse tshwanang, ho netefatsa hore basebetsi kaofela ba kgona ho sebetsana le ditaba tse amanang le thekiso ka mokgwa o loketseng, o sebetsang hantle le ho nahanela maikutlo a bona. Ditaelo le ditsamaiso naheng di tlameha ho fana ka tumello hore ho nkuwe mehato e loketseng ya kgalemo kgahlanong le ditshebetso dife kapa dife tse hlolehang ho phethahatsa ho ya ka mosebetsi ofe kapa ofe oo di o filweng ho ya ka Bili. Tlhahisoleseding e itseng e tlameha ho bokellwa le ho hlophollwa mme e fetisetswe Komiting ya karolo ya kahare e theilweng ke Bili.
Jwaloka ha RAB e saenile/amohetse Tumellano ya Thekiso ya Batho semmuso, e tlamehile ho nka mehato ho netefatsa tshirelletso ya mahlatsipa a thekiso, qoso ya barekisi le thibelo ya thekiso ya batho, ho kenyeletsa ho thusa Mekga e meng ya Mmuso tabeng ena Leha ho le jwalo, tshebedisano ya matjhaba le mekga ya Mmuso eo e seng karolo ya Tumellano e boletsweng ka hodimo le yona e bohlokwa bakeng sa phediso, thibelo le qoso ya thekiso ya batho. Kahoo, polelwana ya 37 e fana ka tumello ya hore Motsamaisikakaretso: Merero ya Lehae o tlameha, ha Mmuso oo e leng karolo ya Tumellano ya Thekiso ya Batho kapa tumellanong e amanang le thekiso ya batho, ho tiisetsa hore ditokomane tsa ho eta kapa tsa boitsebiso tse ntshitsweng kapa tseo ho boletsweng, leha ho se na tiisetso ya hore ke nnete, hore di ntshitswe ke Lefapha la Merero ya Lehae di molaong, mme di belaellwe di ntshitswe ka ketso ya ho tlola molao tlasa Bili.
Ho netefatsa tsela ya tshebetso e tshwanang, e hlophisitsweng le ho sebedisana ya mafapha a mmuso kaofela le mekgatlo e sebetsanang le ditaba tsa thekiso ya batho le ho tataisa ho kenngwa tshebetsong le tsamaiso ya Bili. Polelwana ya 39 e fana ka tumello ya hore Letona la Lefapha la Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, kamora ho teana le matona a amehang a Kabinete le Motsamaisi wa Naha wa Diqoso tsa Setjhaba, le tlameha ho amohela moralo wa tshebetso wa leano la naha o amanang le ditaba kaofela tse boletsweng Biling.
Ho ya ka polelwana ya 40, Komiti ya Karolo ya kahare e tla thehwa ho ntshetsa pele moralo wa tshebetso wa leano la naha le ho theha tshebetso e kopantsweng ya tlhahisoleseding ho thusa tshebetso e ntle ya ho beha leihlo le ho kenya Bili tshebetsong (polelwana ya 41). Polelwana ya 43 e fana ka tumello ya hore Matona a Ntshetsopele ya Setjhaba le Merero ya Lehae a tlameha ho etsa melao e mabapi le ditaba tsa Bili ena e welang tlasa mafapha a bona. E tswelapele ho ba le tlhoko e okametseng ka ho fana ka tumello ya hore Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le ka etsa melawana e mabapi le taba efe kapa efe eo Bili e hlokang kapa e dumellang hore e behwe.
Bili e tswelapele ho sisinya ditokiso Melaong e meng, e jwaloka Molao wa 1977 wa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi, Molao wa 2002 wa Phallo, Molao wa Bana le Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano, ho e tlisa ho tsamaellana le ditlhoko tsa Bili le ho kenya ditlhoko melaong eo ho sebetsana le thekiso ya batho hantle. Ditokiso tse ding tsa ditlamorao di entswe ditlhokong tsa Melao e meng e fapaneng tse hlokwang ke ditlhoko tsa Bili.
Ho bohlokwa ho ela hloko hore tsela ya karolo ya kahare, e lokelang ho latelwa ho kenngweng tshebetsong le tsamaisong ya Bili e hloka mefuta ya ditshebetso tse lokelang ho tla pele dipakeng le kahara mafapha le mekgatlo hammoho le ho thehwa ha Komiti ya karolo ya kahare ho etsa mesebetsi ya yona e mabapi le ho kenya Bili tshebetsong. Kahoo, ho na le pelaelo ya hore Bili kaofela ha yona, ha e amohelwa ke Palamente, e tla kenngwa tshebetsong hanghang kamora moo. Leha ho le jwalo, ho ka nna ha kgonahala, ho qala ka ho kenya tshebetsong dikarolo tse loketseng/tshwanetseng tse sebetsanang le ditlolo tsa melao le dikotlo, tse tla thusa haholo ho tshwarwa ha barekisi ka nako e kgutshwanyane.
Ho bile le monahano wa hore ho rekisa batho ho tla nyoloha nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa FIFA 2010, ka ho toba thekisong ya batho ka sepheo sa thobalano. Kaha re se na dintlha tse theilweng diketsahalong tsa nnete ka lebaka la mofuta wa thekiso ya batho o sephiri mme hangata o se molaong, ho boima ho hlahloba boholo ba qaka. Ho tlameha ho bolelwa hore Bili ena ha e a hlophiswa ka ho phethahala ka Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa FIFA 2010 ka kelellong empa ka ditabatabelo tsa bohlokwa tsa MaAforika Borwa kaofela hape le ho phethahatsa ho ya ka ditlameho tsa rona tsa matjhabeng.
Ka Neliswa Demana o tiisa hore thomo ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ya ho netefatsa toka ho bohle e a fihlellwa. Foramo ya Boporesidente ba Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa le bomaseterata ba itseng ba lekgotla la dinyewe la lebatowa ho tswa naheng ka ho paroletsa ba bile le kopano ya boitjhoriso ho qoqa le ho ntshetsa pele mawa a ho kenngwa tshebetsong ho boreledi ha tokelo ya ho nka diqeto tsa molao tse tswetseng pele makgotleng a dinyewe a lebatowa. Kopano ya boitjhoriso e neng e tshwerwe ka Pherekgong 2010 e ile ya boela ya rala ntshetsopele ya maemo a tshwanang le ditshebetso tsa makgotla a dinyewe a mabatowa tse lokileng ka ho fetisisa.
Matla a ho nka diqeto a Molao wa Ditokiso tsa Makgotla a Mabatowa a na le maikemisetso a ho fetola tshebetso ya toka setjhabeng Aforika Borwa mme a fane ka matla a ho nka diqeto tse tswetseng pele makgotleng a dinyewe a mabatowa, ao ha jwale a neng a e na le matla a ho nka diqeto ditlolong tsa molao tsa bosenyi ka phapang e le nngwe kapa tse pedi tse nyenyane.
Tlasa tshebetso ya hajwale ho na le makgotla a mmalwa a dinyewe a boemong bo tlasenyane; a bitswang; makgotla a dinyewe a ditaba tsa setso, makgotla a dinyewe a ditseko tse nyenyane, makgotla a dinyewe a maseterata a setereke, makgotla a dinyewe a tlhalano le makgotla a dinyewe a maseterata a lebatowa. Lekgotla le boletsweng morao le na le matla a ho nka diqeto ditlolong tsa molao tsa bosenyi. A thehilwe ka 1953 ho sebetsana le nyollo dinyeweng tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi tseo lekgotla le phahameng la dinyewe le neng le sa kgone ho sebetsana le tsona. Makgotla ana a dinyewe a mabatowa a ne a tsamaiswa ke bomaseterata ba mabatowa mme a ne a fuwa matla a phahameng a kahlolo. Jwale Molao o batla ho fetola makgotla a dinyewe a mabatowa ho etsa hore a kgone ho ba le matla a nammeng a ho nka diqeto setjhabeng.
Ho etsa hore ho kenya Molao tshebetsong ho be bonolo, DoJ le CD e hirile bomaseterata ba makgotla a lebatowa ba seng ba e na le boitemohelo ba matla a ho nka diqeto. Kholetjhe ya Toka le yona e kopilwe ho hlophisa dithuto tsa bomaseterata. Mesebetsi e metjha e 53 ya bomaseterata ba lebatowa, rejistara ya lekgotla la dinyewe la lebatowa le ditlelereke tse ntjha tsa makgotla a dinyewe, e tlameha ho hlahiswa.
Poresidente ya Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa la Leboya Bophirima Seka Monaledi o boletse hore "Kopano ya boitjhoriso e ne e ikemiseditse ho ntshetsa pele ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa, haholoholo tse mabapi le lekgotla la dinyewe le tswetseng pele le bolaodi ba phallo ya dinyewe. Hape e shebisisitse kopano ya tshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi."
Barumuwa ba neng ba kenetse kopano ya boitjhoriso ba ne ba hlometse ka bokgoni, tsebo le kutlwisiso e hlokehang hore ba ntshetse pele le ho thusa bolaodi ba phallo ya dinyewe. Lekgotla la dinyewe la tshebetso e hlwahlwa le tshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe hammoho le thero ya lewa di tla tswela MaAforika Borwa molemo ha di netefatsa hore matla a tswetseng pele a ho nka diqeto makgotleng a dinyewe a kenngwa tshebetsong le ho laolwa ka tshwanelo.
Disebediswa, tshebetso le mekgwatshebetso ya bolaodi bo botjha bo tswelang pele ba phallo ya dinyewe di ile tsa tshohlwa. Tsena di lokela ho ntshetswa pele, ho amohelwa le/kapa ho ntlafatswa ho sebediswa makgotleng a dinyewe a mabatowa.
Ka ditshebetso, disebediswa le mekgwatshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe makgotleng a dinyewe a mabatowa, e ntlafaditsweng le ho matlafatswa, ho ne ho tla ba le kameho e ntle tshebetsong e hlwahlwa tsamaisong ya makgotla a dinyewe a mabatowa, ho boletse Mof. Monaledi. Hape o hlalositse hore sena se tla phahamisa tshepo ya MaAforika Borwa ya lekgotla la dinyewe la lebatowa.
A tshetleha puo khonferenseng yona eo, Piet Verster ho tswa Lekaleng la Bohlwahlwa ba Lekgotla la Dinyewe lefapheng o boletse hore ho ne ho le bohlokwa ho ba le maemo a tswetseng pele a tshebeletso. Ho ya ka yena, maemo ana a tla fetola sebopeho sa tshebetso ya kgwebo makgotleng a dinyewe a lebatowa. "Maemo a tswetseng pele a tshebeletso a tla netefatsa hore ditshebetso tsa botsamaisi makgotleng a dinyewe di a hlotjhwa, mme di bebofatsa ditshebetso le ditsamaiso tsa lekgotla la dinyewe." Hape o hlalositse hore maemo a tla matlafatsa bolaodi ba tshebetso kahara makgotla a dinyewe, a tla phahamisa tshebetso e hlwahlwa le ho etsa hore boleng ba tshebeletso makgotleng a dinyewe kaofela.
Lenane la lekgotla le tlameha ho hlophiswa matsatsi a mahlano pele ho letsatsi la teko.
Lenane la lekgotla le difaele di tlameha ho iswa ho maseterata matsatsi a mararo pele ho teko.
Ho tlameha ho boloka dintlha tsa letsatsi tsa diteko kaofela tsa poraevete.
Batho kaofela ba amehang dinyeweng tsa poraevete ba tlameha ho tsebiswa matsatsi a mabedi pele ho letsatsi la lekgotla ebang taba e ke ke ya tswela pele.
Rekoto ya tsebiso ya batho e tlameha ho bolokwa.
Mesebetsi le maikarabelo a ditlelereke tsa lekgotla la dinyewe le direjistara di ne di buuwa ke bomaseterata ba neng ba le khonferenseng.
o tekile puo ka mesebetsi le maikarabelo a lebelletsweng a ditlelereke le direjistara tsa makgotla a dinyewe tsa setjhaba. E meng ya mesebetsi e kenyeletsa, ho faela ditokomane kaofela tse tlisitsweng le metsotso efe kapa efe e entsweng ke lekgotla tlasa nomoro e le nngwe ya ketso/tshebetso e loketseng; ho kopanya ditshebeletso tsa tshehetso tsa taolo ya ho sebetswa ha dinyewe; ho ntsha, ho boloka, ho lekola le ho hlopholla dipalopalo tsa lekgotla le ho ntsha ditaelo tsa lekgotla.
Makgotla a Dinyewe a Tlhalano, ho kenyeletsa dibopeho tsa oona tse teng a tla kopanngwa dikarolong tsa lebatowa diporovenseng tsa oona tseo a leng ho tsona; diphethoho tsa sebopeho le bokgoni diporovenseng tseo a kenngwa e le karolo ya moralo wa ho kenya tshebetsong.
Motlatsi wa Letona wa Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Mong. Andries Nel le Mong. Gert Jonker nakong ya ketelo ya hae Lekgotleng la Dinyewe la Maseterata wa Johannesburg.
ndries Nel, o etetse Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Johannesburg ka la 27 Pherekgong 2010. Nakong ya ketelo ya hae e sa tsebiswang Motlatsi wa Letona o ne a felehetswa ke Moholo wa Basebetsi le diofisiri tse ding ho tswa lefapheng.
Hamorao o ile a kena kopanong ya bolaodi ya beke le beke eo modulasetulo wa yona e neng e le maseterata e moholo, Mong Gert Jonker. Nakong ya kopano Motlatsi wa Letona o hlahisitse dingongoreho tse nyehelang tshebetsong e seng hlwahlwa mokgwatshebetsong wa molao ya Aforika Borwa. "Hoseng ha ke ne ke fihla mona ke fumane maseterata le ofisiri ya thuso ya molao feela ho le leng la makgotla a dinyewe empa diofisiri tse ding di ne le siyo mosebetsing."
Motlatsi wa Letona.
Aforika Borwa, Mong. Jacob Zuma. O boletse hore sena e ne e ke ke ya ba molemong wa hae empa wa naha.
Motlatsi wa Letona o itse, Ke tshepa hore ketelo ya ka e sa phatlalatswang ha e a le sitisa ha ke sa ntse ke kgolwa hore 2010 e tlo ba selemo se bohlokwa seo ho sona dintho di tlo etswa hantle ho feta pele le ka potlako. Ha ke mona ho thibela Puo ya Poresidente ya Pulo ya Palamente empa diofisiri di tlameha ho sebetsa mmoho ho ntlafatsa mokgwatshebetso wa toka naheng.
O boletse hore o na le monyetla wa ho bua le batjhutjhisi mme "ke bone diofisiri tse mmalwa tsa sepolesa di dutse ka lekgotleng ho na le ho lwantsha ditlolo tsa molao tsa bosenyi kantle." Hape, hara ba bang, kopano e ne e kenetswe ke bomaseterata ba baholo ba dinyewe tsa poraevete le ditlolo tsa molao tsa bosenyi, balaodi ba bang ba makgotla a dinyewe Porovenseng ya Gauteng le diofisiri tsa sepolesa.
Kopanong, tse ding tsa dingongoreho tse hlahlisitsweng di ne di kenyeletsa ditlelereke tsa lekgotla la dinyewe tsa boitshwaro bo bobe, tse nyamelang nakong ya dihora tsa mosebetsi. Hape ho ne ho na le dingongoreho ka ditoloko tsa lekgotla la dinyewe tse hlokang maitshwaro mme hangata di sa faeleng dinyewe tsa lekgotla ka tshwanelo haholoholo lekgotleng la dinyewe la Hillbrow. Molaodi wa lekgotla la Johannesburg, Mong. Vicky Strydom, o tshepisitse ho sala diphepetso morao. Phepetso e nngwe e amang Lekgotla la dinyewe la Hillbrow e ne e le ho hloka dikhomphyutha tse lekaneng ka lebaka la dithibela tsa tekanyetso ya ditjhelete.
Ha a botswa ka Molao o motjha wa Tshireletso ya Bana o tla sebetsa ka botlalo ho tloha ka la 1 Mmesa 2010 le ho rupellwa ha bomaseterata mabapi le Molao, Mong. Strydom o boletse hore sena se tla kenngwa tshebetsong.
Motlatsi wa Letona o boletse twantsho ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi e le e nngwe ya dintlhakgolo tse hlano tsa bohlokwa tsa mmuso tse nyallanang le phetiso ya tshebetso e ntle ya ditshebeletso. O boletse hore dintlhakgolo tsena tsa bohlokwa "di a nyallana mme di hloka ho sebetsa mmoho ho ntlafatsa maphelo a MaAforika Borwa. Ho na le dintho tse nyane tse nang le kameho e kgolo phetisong ya ditshebeletso naheng." O kopile balaodi ho sebetsa mmoho le ho bontsha boikemisetso metheong e jwaloka ho fihla ka nako mosebetsing.
Puong ya hae, Motlatsi wa Letona o hlalositse mokgwatshebetso wa toka e le metjhini e boima e fapaneng. Ha karolo e le nngwe ya metjhini e ntshitswe e tla ama motjhini kaofela hampe, o boletse jwalo.
Mong. Gert Jonker o boletse hore ditaba tsa boitshwaro le botsamaisi bo loketseng sebakeng sa tshebetso di ile tsa tshohlwa nakong e fetileng mme "jwaloka boetapele re leka kamoo re ka kgonang."
Letona ka nako bakeng sa ho balwa le tsona di ile tsa tshohlwa mme sena se ile sa nkwa e le phepetso ya makgotla a lebatowa le dikantoro tsa lebatowa ka bobedi.
Ho ne ho na le tshisinyo ya ho tsebisa mokgwatshebetso o motjha wa ditlolo tsa molao tsa bosenyi ho potlakisa tshebetso. Ha a arabela sena Motlatsi wa Letona o itse Re se re ntse re sheba mokgwatshebetso hore na re lokela ho fana ka matla a itseng a molao ho ditsebi tsa molao ho tlolapele. Ha re sa etse dintlhakgolo tse hlano ka tshwanelo ho bolela hore ha ho moo re yang teng.
Ha a kwala, Motlatsi wa Letona o boletse hore basebetsi ba mmuso ba lefellwa mesebetsi ya bona ya letsatsi. O tswetse pele ho hopotsa ba neng ba le teng kopanong ka seo Poresidente Zuma a se boletseng. "Aforika Borwa ke naha e lokollohileng mme batho ba seng malalaalaotswe ho fana ka ditshebeletso setjhabeng, ba lokollohile ho tsamayatshebeletsong ya setjhaba," o qetetse jwalo. O tswetsepele ho qolla Letona la Motheo wa Thuto ha a bolela hore, "Ha ho na ntho e tshwanang le dikolo tse sa sebetseng empa dintho tse sa sebetseng tse tlamehang ho lokiswa."
Mong. Gert Jonker o boletse hore ba ne ba thabisitswe ke ketelo ya Motlatsi wa Letona mme o tshepisitse ho sebetsa mmoho le baokamedi.
Ke sa ntse ke kgolwa hore 2010 e tlo ba selemo sa bohlokwa seo ho sona dintho di tlo etswa hantle ho feta pele le ka potlako.
Lekgotla le letjha la Dinyewe le phatlaladitswe jwaloka Lekgotla la Lekala ho ya ka Gazete ya Mmuso ya Nomoro ya 30559 ya la 14 Tshitwe 2007. Ditaba tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi, ditefello tsa kgodiso ya bana, ditseko tse nyenyane, tekatekano, merusu ya lapeng le ditaba tsa maruo di tla mamelwa lekgotleng lena ha dipotso tsa tlhakisetso tsa semmuso di tla nne di etswe Lekgotleng la Dinyewe la Maseterata wa Witbank. Ka lebaka la disebediswa tse haellang, ho tla fanwa ka ditshebeletso kaofela nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ho tloha pulong ya lona.
Ho bulwa ha Lekgotla la Dinyewe la Vosman ho phethahatsa tlhoko ya karolo ya 34 ya Molao wa Motheo (Molao wa 108 wa 1996) e kenyelletsang Phihlello ya Makgotla a Dinyewe le maikemisetso a mawa a lefapha "Phihlello ya Toka ho Bohle." Sena se tla tswelapele ho matlafatsa sepheo sa mawa a lefapha, "Ho tlisa Ditshebeletso tsa Toka haufi le Bohle" haholoholo ho bao ba leng dibakeng tsa makeishene le tsa mahaeng. Le tla tswelapele ho thusa ho netefatsa phetiso e potlakileng ya toka Seterekeng sa Sepolesa sa Vosman.
Moketeng, Ramotse wa Emalahleni Mof. Malatjie o ananetse monyetla o filweng mmasepala wa hae. O tswetse pele ho ananela ho ba teng ha setjhaba. "Jwale dinyewe di tla sebetswa monyako e leng ho bohlokwa ho sebetsana le dinyewe tse salletseng morao mme bophahamo ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi le tsona di tla theoha" o boletse jwalo.
Nakong ya puo ya hae ya bohlokwa, Maseterata e Moholo David Ngobeni o boletse hore lekgotla le tla bua le batho ka dipuo tsa bona. O nkile ho ba teng ha hae e le sesupo sa tshebedisano e matla e leng teng Bophethahatsing ba Toka Ditlolong tsa Molao tsa Bosenyi. "Ho bula lekgotla lena ke mohato wa pele ntweng ya rona empa ha e so fele. Tlhophollo ya ho qetela ya Molao wa Motheo ke ho tlisa bophelo bo botle ho feta pele bathong kaofela mme phihlello ya tshebetso e hlwahlwa ke takatso ya rona," ho boletse maseterata e moholo.
O boletse hore ho bulwa ha lekgotla la lekala la Vosman ke phepetso ho diofisiri tsa lekgotla ka ho ngatafatsa tshebetso ka mesebetsi ya lona. Mong.
Maseterata e Moholo David Ngobeni a tshetlehela bamamedi puo nakong ya pulo kaofela re a lekana ka pele ho molao ho bolelang hore ditho tsa batho ba baholo kaofela "ho kenyeletsa le nna" di ka tshwarwa ha di sa phethe ho ya ka molao wa naha.
Lekgotla le tla tshwarela dinyewe tsa lona setjhabeng sa Vosman empa le ntse le le tlasa bolaodi ba Lekgotla la Dinyewe la Witbank mme re tla netefatsa hore Maseterata o fumaneha kamehla lekgotleng lena la dinyewe. Hape batho ba lokela ho fihlella dikhopi tsa Tjhata ya Mahlatsipa hore ba matlafatswe ka tlhahisoleseding mme ba tsebe ditokelo tsa bona, ho boletse Maseterata e Moholo.
Motsamaisi wa Ditshebetso tsa Lekgotla lefapheng la Toka, Mof. Nomkhosi Shange o hlalositse ketsahalo e le karabelo ditshepisong tse entsweng ke DoJ&CD. "Re e entse mosebetsi wa rona hore o tlameha ho tseba boetaepele ba hao ba Toka mme kajeno ba teng kwano ketsahalong," ho boletse Mof. Shange. O boletse hore lekgotla le tla kgona ho fana ka ditshebeletso tse itseng feela ho fihlela le thehwa ka botlalo mme le eba le disebediswa, a etsa mehlala ka Ditefello tsa kgodiso ya bana le Merusu ya lapeng.
Kamora ho bulwa ha lekgotla lena la lekala, re kgolwa hore ha ho na ngwana ya tla bolawa ke tlala hobane batswadi ba bona ba tla fihlella ditshebeletso tsa ditefello tsa kgodiso ya bana habonolo ntle le ditjeho tse hodimo. Molao wa Merusu ya lelapa le oona o tla thehwa le ho phethahatswa/sebetswa lekgotleng lena ha nyewe ka nngwe e tla sebetswa ho ya ka maemo a yona ho boletse Mof. Shange.
Integration Project o tekile puo e sisimosang maikutlo kamoo ditlolo tsa molao tsa bosenyi di amang maphelo a setjhaba hampe ka teng.
Porojeke ena ke ya batshwaruwa ba mehleng ba hlabollotsweng ke Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ba kgathetseng ho etsa dintho tse mpe," ho boletse Themba, ya qetileng dilemo tse leshome a le tjhankaneng ka lebaka la ditlolo tsa molao tsa bosenyi. "Batho ba bangata ba fumane thuso porojekeng ena mme e dula e fetola le ho ruta bafetohi ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi hore ditlolo tsa molao tsa bosenyi ha di lefe. Ke kgothalletsa batswadi ho tlaleha bana ba bona sepoleseng ha ba bona kapa ba belaela matshwao afe kapa afe a tlolo ya molao ya bosenyi", o boletse jwalo.
Themba o boletse hore "ho na le batswadi ba nang le seabo bophahamong ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi ditjhabeng, ka ho hloleha ho tlaleha bana ba bona hore molao o phethahale."
O tswetse pele ho hlalosa mefuta/diphapang tse nne tsa botswadi tseo a kgolwang hore di ka etsa phapang "ditjhabeng tsa rona." Ho ya ka Mong. Nkosi diphapang/mefuta tse nne ke; batswadi ka tlhaho, setjhaba, baruti le molao. O kgothalleditse batswadi ho nehela batjha ho Modimo " hobane Tsoseletso e qala kahare."
Moruti Ray Mabhena o butse ketsahalo ka thapelo mme Diteboho di entswe ke Molaodi wa Lekgotla Mong. January Mthimunye. Mong. Mthimunye o ananetse nyehelo, tshebedisano, le tshehetso ho tswa mafapheng a amanang le bahlophisi ba ketsahalo.
Ho tsosa meya Odwa Magagula o thabisitse bamamedi ka dipina tsa hae tse tummeng tsa sedumedi. Batsamaisi ba Lenaneo la letsatsi e ne e le Mof Elizabeth Mamekwa le Mong. Marthinus Van Eeden ha Moruti Ray Mabhena a butse ka thapelo. Bamamedi ba ne ba qabotswe ke Tsietsi Matlakala, rametlae e monyane ya nang le talente.
Mmuso o boetse o phethaphetha ho lwantsha bobodu karolong ya setjhaba. Ha a bua nakong ya Puo ya Poresidente ya Pulo ya Palamente, Poresidente Jacob Zuma o boletse hore mmuso wa hae o ikemiseditse ho lwantsha bobodu le boqhekanyetsi. "Komiti ya rona ya Matona ya Bobodu e sheba ditsela ho etsa qeto ya ho hlola bobodu. Re thabisitswe ke tswelopele eo mmuso o e etsang dibakeng tse ding," ho boletse Mong. Zuma.
Bobodu ke boitshwaro bofe kapa bofe moo motho a amohelang, a dumelang kapa a fanang ka mpho efe kapa efe bakeng sa hae kapa motho e mong, moo sepheo e leng ho etsa ketso ya ho se tshepahale kapa e seng molaong. Boqhekanyetsi ke ketso ya ho thetsa e etswang ka sepheo sa ho una ka tsela e sa lokang, e sa tshwaneleng le/kapa e seng molaong, haholoholo kuno ya tjhelete.
Poresidente Zuma o boletse hore ho na le matsapa a tswelang pele a ho lwantsha bobodu le baqhekanyetsi, hara tse ding, ditshebetsong tsa phepelo le theko le dithendara, le dikopong tsa dilaesense tsa ho kganna, dithusong tsa ditjhelete tsa setjhaba, le dibukanengtsa boitsebiso. O boletse hore "Re fedisitse ditefello tse ka bang 32 687 tsa boqhekanyetsi dithusong tsa ditjhelete tsa setjhaba, tsa boleng ba dimilliyone tse 180 tsa diranta".
Mmuso o ekeditse mehato ya oona yadiketsahalo tse kgahlanong le bobodu. Matsapa a oona a ditsamaiso, ka kgatello e kgolo ya ho kenya mehato e loketseng ya leano ho thibela bobodu. Ho ba kgahlanong le bobodu haesale e le ntho ya bohlokwa Lenaneong la Mmuso ka dilemo tse ngata.
Foramo ya Naha e Kgahlanong le Bobodu (NACF) Khonferense e Kgahlanong le Bobodu ya pele ya Karolo ya Setjhaba e ne e tshwaretswe Kapa ka 1998. Khonferenseng ena, ho ile ha etswa pitso ya matsapa a kgahlanong le bobodu ho ba ngongorehonaheng. Kopano ya Naha e Kgahlanong le Bobodu e ile ya tshwarwa ka 1999 moo qeto ya ho thehwa ha NACF e ileng ya etswa. NACF e ile ya thehwa ka 2001.
NACF ke mokgatlo oo e seng wa molao o paroletsang dikarolong, o kopanyang maano a dikarolo a kgahlanong le bobodu mme o thehe tumellano ya naha. Foramo e eletsa Mmuso ka matsapa a naha a ho fedisa bobodu le ho abelana tlhahisoleseding le tshebetso e ntle ka ho fetisisa mosebetsing o kgahlanong le bobodu wa lekala.
Molao ona o fana ka tumello ya ho matlafatsa mehato ho thibela le ho lwantsha bobodu le diketsahalo tsa bobodu. O etsa tlhoko ya theho le kamohelo ya rejistara e nang le dithibelo bathong le dikgwebong tse ahloletswengdiketsahalo tsa bobodu tse amanang le dithendara le dikonteraka.
PFMA e laola bolaodi ba ditjhelete mafapheng a naha le a diporovense. Molao o netefatsa hore kuno, ditshenyehelo, maruo le boikarabelo kaofela ba mmuso di laolwa hantle le ka hlwahlwa. E tswelapele ho fana ka maikarabelo a batho ba filweng boikarabelo ba taolo ya ditjhelete mafapheng.
Aforika Borwa, Molao wa Ditlhahiso tse Tshireleditsweng o etsa ditlhoko tsa ditsamaiso ho ya kamoo basebetsi ba dikarolo tsa setjhaba le tsa poraevete ka bobedi, ba fanang ka tlhahisoleseding ya boitshwaro bo sengmolaong kapa bobodu ba boramosebetsi kapa basebetsimmoho le bona, ba tshireletsehang ho se hlahiswe kotsi mosebetsing. Molao o kgothalletsa basebetsi ba tshepahalang ho hlahisa dingongoreho tsa bona le ho tlaleha diketso tse sa lokang kahara sebaka sa mosebetsi ntle le letswalo.
Ho tshireletsa ditlhaphiso tse ngata tsa kakaretso ha feela ho na le lebaka le utlwahalang la ho phatlalatsa le hore tlhahiso eo ke e utlwahalang.
Molao o ikemiseditse ho theha Setsi sa Boqhetseke ba tsa Ditjhelete le Lekgotla la Boeletsi ba Kadimo ya Tjhelete ho lwantsha diketsahalo tsa dikadimo tsa tjhelete le ho fana ka tjhelete ho bahahlaudi le diketsahalo tse amanang le hona. O fana ka taelo ya mesebetsi e itseng mekgatlong le bathong ba bang ba ka sebedisetswang mabaka a ho kadima tjhelete le ho fa bahahlaudi tjhelete le diketsahalo tse amanang le tsona. O dumella Setsi le mekgatlo ya bookamedi ho abelana tlhahisoleseding le ho ba fa matla a ho etsa ditlhahlobo.
Karolwana ena ya molao e fana ka tlhoko ya tokelo ya phihlello ya tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke Mmuso le tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke mekgatlo ya poraevete, e hlokahalang bakeng sa tsehebediso le tshireletso ya ditokelo dife kapa dife.
Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba le ntsheditswe pele bakeng sa Tshebeletso ya Setjhaba ho phethahatsamaikemisetso a boletsweng a mmuso ho lwantsha bobodu tshebeletsong ya setjhaba. Sepheo sa Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba ke ho thibela le ho lwantsha/fedisa bobodu ka diketso tsa tshehetso e ngata.
Setjhaba a itshebeletsang ka bo oonaempa a tsamaellanang le maano a naha, ahlokeha, haholoholo mabapi le phumano, patlisiso, qoso le ho nka qeto semmusoka diketso tsa bobodu, hammoho le hokgutlisa ditjhelete tsa bobodu.
Diketso tsa bobodu di nkwa e le diketso tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyimme diketso tsena di ka sebetswa mokgwatshebetsong wa botsamaisi kapabophethahatsi ba toka ditlolong tsa molaotsa bosenyi kapa ho tsona ka bobedi ha hohlokeha.
Tshebetso e ntle le ditumellano tsa boitshwaro tsa lehae, lebatoweng lematjhabeng.
Mokgatlo wa porofeshenale o ikemetseng wa kantle o fanang ka tshebeletso yaporofeshenale ya dihora tse 24 e fumanehang ka dipuo tse hlano tsa semmuso o laola mohala wa ditlaleho. Sena se netefatsa hore motho ya tlalehang a dule a sa tsebahatswe ha a lakatsa jwalo.
Ho ya ka Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba (PSC), mohala wa ditlaleho o na le dikatleho tse bonahalang haesale ho thehwa ha oona mme dikameho tsa karolo eo o o bapalang jwaloka motjha o kgahlanong le bobodu di qala ho bonahala. Kahoo, diofisiri tse fumanwang di le molato wa boitshwaro bo sa amoheleheng di ile tsa fuwa taelo ya kotlo e jwaloka ho emiswa nakwana mosebetsing le ho lelekwa mme ditjhelete tse ngata tse kenyeleditsweng diketsong tsa bobodu le tsona di ile tsa kgutliswa.
PSC e ntshitse "Raporoto ya Bobedi yaBiennial: Ho Lekanya Tshebetso e Ntle ya Mohala wa Ditlaleho tse Kgahlano le Bobodu" sena se beha hore tlhophollo ya dinyewe/mehala e amohetsweng e bontsha hore nakong ya 2007/2008 diperesente tse 40 tsa dinyewe tse tlalehilweng tsa bobodu tse amohetsweng ka NACH di tlalehilwe ke baletsi ba sa tsebahatswang. Dinyeweng tsa diperesentetse 50 baletsi ba itsebahaditse. Diperesente tse 25 tsa dinyewe tsena di tlalehilwe ke ditho tsa setjhaba mme diperesente tse 15 ke diofisiri baletsaphala tse neng di se na bothata ka ho ipolela. Diperesente tse ding tse 10 tsa dinyewe tse jwalo di tlalehilwe ke batshwaruwa ba kopang hore diofisiri tsa dipatlisiso di iteanye le bona.
Nomoro e sa lefellweng ya ho tlaleha ke 0800 701 701.
Ho Thusa Ntshetsopele ya tlwaelo yaho tlaleha diketso tse belaetsang le ho tshireletsa baletsaphala le dipaki.
Ka matsapa a ho tshehetsa le ho thusa ntshetsopele ya tlwaelo ya ho se mamelle boqhekanyetsi le bobodu le diketsahalo tsa bona kaofela, lefapha le entse Moralo wa thibelo ya Boqhekanyetsi le Bobodu. Moralo o matlafatsa mekgwatshebetso, maano le ditsamaiso tse leng teng a elellisangbatho ho se etse bobodu, tse thibelang, tse hlokomedisang, tse arabelang le ho fokotsa kameho ya boqhekanyetsi le bobodu.
Leano le fana ka ditlhoko tsa hore diketsahalo kaofela tsa boqhekanyetsi le bobodu di batlisiswe le ho salwa morao ka tshebediso ya dipheko kaofela tse fumanehang kahara molao le ho kenngwa tshebetsong ha ditaolo tsa thibelo le tlhokomediso. Ditaolo tsena tsa thibelo di kenyeletsa ditaolo tsa ditjhelete le tse ding tse teng le ho hlahloba metjha jwaloka ha ho behetswe mekgwatshebetsong, maanong le ditsamaisong tsa DoJ le CD.
Lefapha le netefaditse phethahatso e felletseng le ditlhoko tsa Bokgoni bo Kgahlanong le Bobodu bo Lekanyeditsweng Minimum Anti-Corruption Capacity MACC jwaloka ha o amohetswe ke Kabinete ka Lwetse 2003.
kenya meralo ya boqhekanyetsi e hlokehang ho ya ka PFMA, ke meralo efeya bobodu e tlamehang ho tobana le kotsiya bobodu; le tiisetsa mosebetsi oo motho a neng a le ho oona pele, dithuto, boahi le rekoto yaditlolo tsa molao tsa bosenyi tsa bathokaofela pele ba hirwa.
Ka 2008, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo (DoJ le CD) ka hoba balekane le Institjhuti ya Naha ya Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi le Ho Kgutlisetswa ha Batlolamolao setjhabeng (NICRO) le qadile porojeke ya nakwana ya Kahlolo eo eseng ya Molao (NCS), e fedileng ka Hlakubele 2009.
Haesale nako eo, NICRO e tswetse pele ho ntshetsa NCS makgotleng a mang a dinyeweka tshehetso ya thuso ya ditjhelete ho tswa matjhabeng.
Sepheo sa bolekane ba motheo wa DoJ le CD / NICRO e ne e le ho fokotsa bophahamo ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi Aforika Borwa, ka thibelo ya ho etsa ketso ya tlolo ya molao hape le ho ntshetsa pele ho kopanngwa ha batlolamolao malapeng a bona le setjhabeng.
NCS ke kgetho e nngwe ntle le tjhankana mme e bolela ho phethahatsa kahlolo setjhabeng. Ka NCS, batlolamolao ba hlahlobilweng e le ba lokelang ba phethahatsa kahlolo tsa bona kantle ho tjhankana mme ba fuwa monyetla wa ho fetola maphelo a bona.
YES ke lenaneo la thupello ya bokgoni ba bophelo leo hangata le nkang dikarolo tse tsheletseng ho ya ho tse robedi mme le thusa bankakarolo ho hlokomela/beha maphelo a bona leihlo. Le kgina "hore motho a tswe taolong". Batswadi le bahlokomedi ba mengwa ho nka karolo le ho kgothalletswa ho tshehetsa tswelopele ya bankakarolo.
Lenaneo le hlophisa hore motjha ya amehang o itlama ho sebeletsa setjhaba nako ya dihora tse kgothalleditsweng ho na le ho ya kgotla. Tshebeletso ya Setjhaba e etswang Pele ho Teko hangata e sebediswa le mananeo a mang. Basebetsi ba NICRO ba kenya batjha ditikolohong tse loketseng tsa tshebeletso ya setjhaba, ho ipapisitswe ka bokgoni ba bona le moo ba hlokehang ho feta. Phethelong ya tshebeletso, kahlolo e a fediswa.
Khonferense e fana ka monyetla wa ho ba moemedi pakeng tsa bao ba anngweng ke tlolo ya molao ya bosenyi. Khonferense e kopanya batlolamolao ba banyenyane, malapa a bobona le mahlatsipa a tlolo ya molao ya bosenyi ho qoqa ka se etsahetseng, kamoo se ka lokiswang le hore ke eng e ka etswang ho lokisa dintho. Tumellano e totobatsang seo ho dumellanweng ka sona ka hore tshenyehelo, e ka lokiswa jwang, le moralo wa se tlamehang ho etswa e a saenwa. Motjhutjhisi o tsebiswa ha maikemisetso kaofela a se a fihlelletswe. Ena ke tsela e atlehileng haholo ya batjha ho utlwisisa kameho ya diketso tsa bona, le matla ao ba nang le oona a ho lokisa dintho. Khonferense e fana ka kokobetso ho bohle ba amehang. Ke ketsahalo ya boloka toka.
Leeto ke lenaneo le kenelletseng la dikgwedi tse pedi ho isa ho tse tharo la batjha ba kotsing. Le na le karolo e matla ya boitemohelo bo kotsi. Leeto le kgothalletsa boipolelo, boikemisetso, boikarabelo le ho ikutlwa ho ba setjhabeng. Le na le maikemisetso ho batlolamolao ba diketso tse kotsi haholo le batlolamolao ba ditlolo tse ngata tsa molao le ba tlohetseng sekolo pele ho nako. Batataisi ba setjhaba ba tshehetsa bankakarolo ka tshebetso ya phepetso eo ba ikemisetseng ho yona ha ba qala Leeto. Ho etswa moralo wa motho ka mong bakeng sa ho aha bokamoso ba monkakarolo e mong le e mong.
NICRO e bapala karolo ya bohlokwa Mokgwatshebetsong wa jwale wa Toka Baneng, wa Aforika Borwa. Hape e etsa tlhahlobo ya kahare ya bana pele ba amohelwa lenaneong lena. Mokgatlo (NICRO) o na le tokelo le boikarabelo ba ho se amohele mokopi ya sa lokelang mananeong a oona.
Mosadi wa dilemo tse 23 o tshwerwe le ho ahlolelwa tlolo ya molao ya ho utswa kgetlo la bobedi. Mosadi, Kelly, o ile a supiswa ho NICRO bakeng sa tlhahlobo ho fumana hore na o ne a tla lokela kahlolo ya ho se kwallwe tjhankaneng. Nakong ya tlhahlobo, mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o tsebile hore Kelly o na le lesea la dikgwedi tse robong mme o ne a na le boikarabelo a le mong ho hlokomela moholwane wa hae ya sa itekanelang mmeleng hammoho le ausi wa hae ya neng a hlahlojwe ho ba le lefu la kelello (schizophrenia). Moputso o le mong feela wa lelapa lena o ne o tswa thusong ya tjhelete ya mmuso ya boqhwala ba moholwane wa hae le thuso ya tjhelete ya mmuso ya lesea.
Mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o qetelletse tlhahlobo ya hae ya Kelly mme a kgothalletsa lekgotleng la dinyewe hore Kelly a fuwe kahlolo ya ho se kwallwe tjhankaneng ho na le ho iswa tjhankaneng. Kelly o ile a ahlolelwa Tlhabollo e Behilweng leihlo ke mookamedi ke lekgotla la dinyewe le NICRO. Moralo wa thuso wa Kelly o ne o na le kgothalletso ya bonngwe hammoho le tshebeletso ya setjhaba. Kelly o ile a leboha mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO bakeng sa ho fuwa monyetla wa ho phetha kahlolo ya hae kantle ho tjhankana. Kelly o sebeditse hantle haholo nakong ya mananeo a NICRO, a nka karolo le ho kenela dithuto tsa hae kamehla.
Mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o thusitse Kelly ka ho ngola boitsebiso ba hae, mme ka nako e sa fediseng pelo, ka letsatsi le leng ka Pherekgong 2010, Kelly o tlile kantorong ya NICRO, a tletse lethabo kaha a ne a fumantshitswe mosebetsi tlung ya baeti ya lehae.
Ka tsela ena re ka bona melemo ya kahlolo e sa iseng molatofatswa tjhankaneng ho malapa kaofela, kaha lesea le sa hanelwa ho ba le mma lona, le moholwane le ausi ha ba a hanelwa ho ba le motho wa leloko, ya seng a setse a le mong e le yena ya fumantshang bodulo le tshehetso. Ka tsela ena, kahlolo ya ho kwalla tjhankaneng e ne e tla senya maikutlo a lelapa le ho siya Kelly a le boemong bo bobe ka ho fetisisa ha qetellong a ne a tlameha ho lokollwa tjhankaneng.
NICRO e fana ka mefuta ya mananeo a akaretsang ditaba tse jwaloka tsehebediso e mpe ya dithethefatsi le bokgoba, merusu ya lapeng, bokgoni ba botswadi hammoho le dithuto tsa kgothalletso ya bonngwe, boemedi ba lehlatsipa le entseng tlolo ya molao le dikhonferense tsa sehlopha sa ntjhafatso.
NICRO e batla ho phepetsa batlolamolao ho nka maikarabelo a diketso tsa bona le ho fana ka menyetla bakeng sa bophelo bo ahang ho na le bo senyang.
Ka Justice Ditshego waloka matsapa a ho matlafatsa setjhaba se tswetseng pele, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le thakgotse Lenaneo la Phihlello ya Toka le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo. Ketsahalo e etsahetse ka la 09 Hlakola, Hoteleng ya Parktonian Johannesburg.
Le fumana thuso ya tjhelete ho Kopano ya Yuropa (EU), lenaneo lena le kene selekaneng le Motheo wa Ditokelo tsa Botho (FHR).
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, puong ya hae e hlekelang sebae o boletse hore sepheo sa lenaneo e ne e le ho matlafatsa ho bapalwa ha karolo ya setjhaba se tswelang pele. "Dikarolo tse tharo tsa bohlokwa tsa sephetho sa lenaneo lena ke matlafatso ya demokerasi e dumellang ho bapala karolo, ntshetsopele ya ditokelo tsa molao wa motheo le phihlello ya toka," ho boletse Mong Nel.
Motlatsi wa Letona o boletse hore lenaneo le tla bonahala feela ka ho kenyeletsa le ho bapala karolo ha setjhaba se tswelang pele.
Pampiri ya Lewa la Naha e ntsheditswe pele ka thuso ya Tumellano ya Tshebedisano Ntshetsopeleng ya Kgwebisano Trade Development Cooperation Agreement TDCA e seng e le teng pakeng tsa Mmuso le EU. Mmuso wa AB o tla netefatsa hore diperesente tse mashome a mabedi a metso e mehlano tsa thuso ya ntshetsopele kaofela e amohetsweng e tla sebedisetswa ho lefella le ho matlafatsa setjhaba se tswelang pele, ho boletse Adv Jiyane.
Ka lenaneo lena, mmuso o itlama ho rarolla bothata ba ho se be le tekatekano le ho ntlafatsa maphelo a baahi ba oona ka ntshetsopele le matlafatso ya tlwaelo ya ditokelo tsa botho.
Mechanism (APRM) e fihletseng qeto ya hore naha e bontshitse bophahamo bo sa lokelang ba tlhokomediso ya ditokelo setjhabeng. Sena se bontshitse tlhoko ya ho sebetsana le phepetso ya phihlello ya toka ya ba dikojwana di mahetleng le ditjhaba tse tinngweng menyetla.
Ho aha demokerasi e mahlahahlaha, mmuso wa Aforika Borwa o ananetse ka botsitso setjhaba se tswetseng pele se ikemetseng ho bapala karolo tshebetsong ena. Mmuso o tswetse pele ho itlama hore diperesente tse 25 tsa thuso ya ntsetsopele kaofela e tla sebedisetswa ho lefella le ho matlafatsa setjhaba se tswetseng pele ho netefatsa bokgoni ba tswelopele ya sona.
Moelelong o le mong, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le dumela hore setjhaba se tswetseng pele se matla, se ikemetseng le ho ba hlwahlwa ke molekane wa bohlokwa ho matlafatsa demokerasi Aforika Borwa. Jwaloka ho leka ho rarolla diphepetso tseo mmuso o tobaneng le tsona, lefapha le ikemiseditse ho ba molekane le setjhaba se tswetseng pele ho fihlella sepheo sa lona sa phihlello ya toka ho bohle.
Ho ya ka phanele ya ditsebi tsa Kopano ya Matjhaba, dimiliyone tsa batho di hanelwa ka ditokelo tsa bohlokwa tsa botho ka morero o entsweng ka hloko, ka lebaka la bofuma. Phanele e bolela hore ho tswa ponong ya ditokelo tsa botho, bofuma bo ka hlaloswa e le kganelo ya tokelo ya motho ya mefutafuta ya bokgoni ba motheo.
Sena se hokahanya bofuma le ho feta tlhokeho ya moputso feela empa hape le ka matla le ho se lekalekane. Phihlello le taolo ya disebediswa, ditshebetso tsa setjhaba, mekgatlo ya melao le tsona ke mabaka a bofuma.
Tshupo ya Ntshetsopele ya Botho ya Kopano ya Dinaha (HDI) e behile Aforika Borwa boemong ba 125 ba dinaha tse 179. Aforika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse 18 lefatsheng ya ho kgutlisetswa morao ha HDI nakong ya 1990-2003. Dipalopalo tsena di ile tsa phatlalatswa Diphetohong tse Tshupong ya Ntshetsopele ya Botho (HDI) Diphetohong tsa (Raporoto ya 2007/2008 ya Ntshetsopele ya Botho ya UNDP).
Aforika Borwa le yona e nwelella ka nyollo e kgolo tlhokehong ya mosebetsi ntle le letooto la yona la molao, maano le mawa a ho sebetsana le ho tinngwa ha menyetla ha batho ba dikojwana di mahetleng le dihlopha tse kotsing ya ho ka utlwiswa bohloko. Mmuso o na le phepetso ya ho netefatsa hore baahi ba oona ba kgona ho laola le ho fihlella melemo ya ditokelo tsa moruo setjhabeng jwaloka ha ho lebelletswe Molaong wa Motheo. Lenaneo lena e tla ba le leng la mehato e ikemiseditseng ho ntshetsa pele ditokelo tse jwalo.
Ditaba tsa Bomorabe, Kgethollo ya Morabe, Lehloyo la melata le ho se be le dimamello tse amanang le seo, di ile tsa shejwa ka botlalo. FHR e buile le Mekgatlo e Tsepamisitsweng Setjhabeng (diCBO) le Mekgatlo eo Eseng ya Mmuso (diNGO) jwaloka bafepedi ba tshebeletso, ka hore ho etsa kopo ya ditjhelete tsa thuso ho ka etswa jwang le hore tshebetso ya kopo e nka nako e kae. Ho etsa Tjhelete ya Thuso le ditsamaiso tsa Tshebetso ya ho reka ho itseng di ne di le hara ditaba tsa bohlokwa tse tshohlilweng kopanong ya boitjhoriso.
Ho kile ha eba le monyetla wa hore diCBO le diNGO di buisane le FHR ka diphepetso le dipotso tse mabapi le lenaneo. Lenaneo lena le lona le tla fetisetswa diporovenseng tsa Aforika Borwa kaofela.
ekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo le entse qeto ya hore Molao wa Motheo o thibela molao wa dikahlolo tse nyenyane ho sebediswa baneng ba dilemo tse 16 le 17. Kahlolong e entsweng kajeno, Lekgotla le fumane hore ha Molao wa Motheo o dumella Palamente ho sebetsana le bana ba tlolang molao ka ho phethahala, ho kenyeletsa le ka ho fana ka kahlolo e telele, tsela e hlokwang ke molao wa dikahlolo tse nyane e roba molao wa ditshireletso tseo Bili ya Ditokelo e di fang bana kaofela ba ka tlase ho dilemo tse 18.
Ka la 31 Tshitwe 2007, Molao wa 38 wa 2007 wa Ditokiso tsa Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (Ho Ahlola) (Molao wa Ditokiso) o kene tshebetsong. Molao ona o entse hore dikahlolo tse nyenyane tsa ditlolo tse ding tse kotsi tsa bosenyi di sebediswe baneng ba dilemo tse 16 le 17. Setsi sa Molao wa Bana se Yunivesithing ya Pretoria (Setsi) se phepeditse molao ona. Ba arabileng e bile Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Letona la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa le Boto ya Thuso ya Molao. Ka la 4 Pudungwana 2008, Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le Pretoria (Potterill AJ) le ile la tjhaella phepetso monwana.
Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le ntshitse taelo ya ho se be molaong ya molao wa motheo le bolela ditlhoko tse fapaneng tsa Molao wa 105 wa 1997, wa Ditokiso tsa Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (CLAA), jwaloka ha o lokisitswe ke Molao wa Ditokiso, o seng molaong. Pele ho Molao wa Ditokiso, tshebetso ya dikahlolo tse nyenyane e thehilweng ke CLAA e ne e na le tshebetso e lekanyeditsweng baneng ba neng ba le ka tlase ho dilemo tse 18 ka nako ya tlolo ya molao. Molao wa Ditokiso o sebedisa tshebetso ya dikahlolo tse nyenyane baneng ba jwalo. Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le fumane hore sena se hanana le metheo ya Molao wa Motheo wa ho kwalla tjhankaneng e le qeto ya ho qetela le nako e kgutshwanyane ka ho fetisisa e loketseng bana ba ka tlase ho dilemo tse 18.
Tlatsetsong ya ho batla tiisetso ya dipolelo tsa ho se be molaong, Setsi se phehisitse ka hore bana ba seng ba ahlotswe tlasa ditlhoko tse lokisitsweng ba lokela ho tsebahatswa mme ba tliswe ka pele ho lekgotla le nang le bokgoni hore dikahlolo tsa bona di shebisiswe hape.
Lekgotleng la Dinyewe la Molao wa Motheo, Institjhute ya Naha ya Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi le Kgutlisetso yaBatlolamolao Setjhabeng (NICRO) e ile ya amohelwa jwaloka amicus curiae.
Boholo ba Lekgotla bo ile ba tiisetsa kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe. Cameron J, eo Langa CJ, Moseneke DCJ, Mokgoro, O'Regan, Sachs le Van der Westhuizen JJ ba neng ba dumellana le yena, o ile a nahanisa mosebetsi le tlhoko ya sepheo sa ditokelo tsa bana Biling ya Ditokelo. O tobokeditse hore Molao wa Motheo ka bo oona o ananela boemo ba bana ba ho ka utlwiswa bohloko mmeleng le kelellong. Molao wa Motheo o hloka karabelo ba molao mothong ka mong, e shebanengle ngwana ya ahlolwang kahlolong ya bana, kahlolong ya bana.
Boholo bo fumane hore tshebediso ya dikahlolo tse nyenyane e lekanyetsa boikgethelo ba diofisiri tse dihang kahlolo ka ho tlosa diofisiri tse dihang kahlolo dikgethong tse ding ho na le ho kwalla tjhankaneng, ka ho diha kahlolo e tshwanang le ya ba bang le ka ho tshepela ho diheng dikahlolo tse telele tse boima. Kahoo. Lekgotla le boletse hore Molao wa Ditokiso o lekanyetsa ditokelo tsa bana tse boletsweng/hlahellang karolong ya 28 ya Molao wa Motheo. Ha ho na tiisetso e loketseng eo ho fanweng ka yona bakeng sa tekanyetso.
Leha ho le jwalo, Lekgotla le hanne ho fana ka pholoso/thuso eo setsi se neng se e batla maelana le bana ba seng ba ahlotswe tlasa Molao wa Ditokiso, kaha o sa tsitsa ka tsela e tshwanetseng diketsahalong tsa tlolo ya molao ya bosenyi tse etsahetseng pele molao/qeto e ntjha e sebetsa. Ho na le hoo, le ntshitse taelo e hlokang hore mmuso o tsebahatse bana kaofela ba tlotseng molao ba ahlolwa tlasa ditlhoko tse sa lokelwang ke tlhompho/ho tshetjwa haesale ka Pherekgong 2008,hore dikopo kapa ditlhahlobisiso di ka etswa lebitsong la bona.
Qetellong, taelo ya Lekgotla le Phahameng ya ho se be molaong e ile ya tiisetswa ka tlhompho ya yona e bohlokwa. Yacoob J o ngotse kahlolo e hanyetsanang ka matla eo Ngcobo, Nkabinde le Skweyiya JJ ba dumellaneng le yona. Yacoob J o boletse hore Molao wa Motheo ha o hloke boikgethelo ba lekgotla le ahlolang bana ho se be le tekanyetso e tletseng.
g ya Molao wa Motheo e faneng ka tsona. Hobane Molao wa Ditokiso ha o hloke hore diofisiri tse ahlolang di iphapanye ditlhoko tsa tlhoko ya ditokelo tsa bana, ha o qobelle diofisiri tse ahlolang ho fana ka kahlolo e seng molaong wa motheo.
Hore ho qojwe dikahlolo tse sa lokang, lekgotla le ahlolang le hlokeha ho nahana hore na ho na le maemo a qobellang le ho hlalosa a neng a tla tiisa ho dihwa ha kahlolo e tlasenyana/bofefonyana. Yacoob J o boletse hore ditlhoko tsa Bili ya Ditokelo tse tshireletsang ditokelo tsa bana ka bo tsona di tla lekana maemo a qobellang le ho hlalosa ho dumella ofisiri e ahlolang ho qala/tloha kahlolong e nyenyane e hlokehang nyeweng e boletsweng. O phethetse ka hore molao wa dikahlolo tse nyenyane, jwale ka ha o sebetsa baneng ba dilemo tse 16 le 17, o sa tsitsa le Molao wa Motheo. Kahoo, o ne a tla be a hanne ho tiisa taelo ya ho se ye ka molao wa motheo o entsweng ke Lekgotla le Phahameng.
Hlooho ya Lebatowa la Kapa Bophirima Advokheiti Hishaam basebetsi. Ho bolokela lefapha tjhelete e ngata e ka beng Mohamed o ile a leboha DG ha a ba etetse. "Re etse hloko e sebediseditswe dibaka tsa thupello. Sehlotshwana sa diphepetso tseo o re fileng tsona. Re tla etsa kahohle Worcester le sona se na le setsi sa thupello. "Ba na le kamoo re ka kgonang kateng hore re se o swabise." Jwale setsi sa bona ka lebaka la bohole bo pakeng tsa Kapa le DG o ile a nkiswa leeto ho potoloha setsi sa kgwebo sa Worcester," ho hlalositse Hlooho ya Lebatowa. Kantoro ya Lebatowa.
Kantoro ya Lebatowa ya Natala e tlotlile batho ka bonngwe le Botsamaisi ka ho sebetsa ho feta tebello ya bona ho netefatsa hore MaAforika Borwa a fumana ditshebeletso tsa toka tse ntle ka ho fetisisa. Mokete wa dikgau o ne o tshwerwe ka la 9 Tshitwe Hoteleng ya Hilton.
Ha a ne a ile moketeng, Motsamaisikakaretso wa Mokobobo (DG) Advokheiti Simon Jiyane o boletse hore ho bohlokwa ho sebetsa ka thata mme ho lekana le bohlokwa ba ho hlompha le ho utlwisisa ditjhaba tseo basebetsi ba di nehang ditshebeletso. "KZN ke e nngwe ya diporovense tsa thatohatsi ya ka hobane e etellwa pele ke mosadi ya matla ya utlwisisang bohloko/mahlaba a ditjhaba," o boletse jwalo.
Adv Jiyane le yena o fane ka dikgau tse ding. Hape o ile a saena kano ya ho tshehetsa Ditokelo tsa Bana. Kano e baleha tjena "Rona ba saenneng ka tlase, re ikana boikemisetso ba rona ho etsa mesebetsi ya rona ka mokgwa o netefatsang hore ditabatabelo tsa bohlokwa tsa ngwana di bohlokwa."
Molaodi wa Lekgotla la Dinyewe la Sebaka Ben Nene o amohetse kgau ya Sehlotshwana se Laolwang ka Bokgabane. Mong. Nene o tlotletswe ho etsa bonnete ba hore makgotla a dinyewe kaofela a ka tlasa tsamaiso ya hae a fana ka ditshebeletso tsa toka, tsa tshebetso e ntle e hlwahlwa bathong. Hape o hlophisitse dikgau tsa tshebetso ya sehlotshwana sa hae, ana ke matsapa a ho kgothalletsa basebetsi ho sebetsa hantle.
Hlooho ya Lebatowa la KZN Bridgette Shabalala o lebohisitse bohle ba amohetseng dikgau le ho kgothalletsa motho e mong le e mong ho sebetsa ka thata. O hopoditse motho e mong le e mong hore ho ba mosebetsi wa setjhaba wa toka ho bolela ho netefatsa hore ditshebeletso tsa toka di a fihlelleha ho bohle ka dinako tsohle.
Motsamaisi wa Botsamaisi ba Molao Par Moodley o thakgotse ditataiso tse ntjha tsa Ditjhelete tsa Kgodiso ya Bana. Ditataiso di tla thusa diofisiri tsa ditjhelete tsa kgodiso ya bana ho netefatsa hore baamohedi ba ditjhelete tsa kgodiso ya bana ba amohela ditjhelete tsa bona.
Ba bang ba baetapele ba basadi ba kenetseng ketsahalo.
Kantoro ya Lebatowa la Kapa Botjhabela e hlokomedisitse le ho kgothalletsa meqoqo e otlolohileng ka ditaba tse kang Merusu ya Lelapa, Ditlolo tsa Melao tsa Thobalano, Tjhelete ya Kgodiso ya Bana, tlwaelo ya Ukuthwala le Toka ya Matlafatso.
Seminara e bone basadi ba tswang Peddie, Ntabankulu, Willowvale le Bizana ba kopana ho qoqa ditaba tse ba amang le ditjhaba tsa bona. Ketsahalo e ne e hlophisitswe ke diofisiri ho tswa Kantorong ya Lebatowa le Lefapheng la Mmuso wa Lehae le Merero ya Setso.
Ditekelo di entswe ke diofisiri ho tswa Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa (SAHRC), Bolaoding ba Botjhutjhisi ba Naha (NPA), Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba le Kantorong ya Lebatowa. A bua le baetapele ba basadi, Mokhibo Gwintsa o ile a amohela bohle ba neng ba le teng ketsahalong. O ile a fana ka tshetleho e kgutshwanyane ka hore ke ka lebaka lang seminara e le bohlokwa.
Sethatong seminara e ne e behetsweho ba teng nakong ya matsatsi a 16 a letsholo la ho nka Kgato ho thibela Merusu kgahlanong le Basadi le Bana, empa e ile ya tlameha ho kgutlisetswa morao ka lebaka la dishejule tse kgohlanang tsa batataisi.
Leha ho le jwalo, Mof. Gwintsa o hlalositse hore leha ketsahalo e se karolo ya letsholo, ditaba tse tshohlwang di ne di hloka ho sebetswa selemo ho pota.
DG Nonkululeko Msomi o babaditse diofisiri tsa Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Worcester ho netefatsa hore toka e a phethahatswa. DG o etetse lekgotla ka la 12 Hlakola. Ho ya ka Mof. Msomi, sepheo sa ketelo e ne e le ho nka ditshebetso tse ntle tse etsang hore lekgotla lena le sebetse hantle le ho abelana ditshebetso le makgotla a mang a dinyewe.
Ke ananela mosebetsi o entsweng lekgotleng lena la dinyewe. Batho ba fumana toka hobane lekgotla le a sebetsa. Le eketsa boleng ditshebeletsong tseo re fanang ka tsona. Jwale ha re se beng bothata empa re beng tharollo," ho boletse DG. O kgothalleditse basebetsi ho boloka ditshebetso tsa lekgotla di sebetsa le ho di ntlafatsa. "Dulang moleng/tseleng ya ho hlokomela ditjhelete, mokgwatshebetso wa tjhelete ya kgodiso ya bana le lekgotla la lona ka kakaretso," Mof. Msomi o boletse jwalo. Hape, basebetsi ba ile ba kgothatswa ke DG, ho ba motlotlo ka seo ba se etsang. "Kaofela ha rona ha re etseng mosebetsi wa rona wa dihora tse 8 hantle le ka botshepehi."
Mof. Msomi o boletse hore mmuso ke titjhere e ntle. "Ke ne ke sa e tsebe kaofela mme le jwale ke ntse ke sa e tsebe kaofela empa mmuso o nthutile tse ngata. Mmuso o o neha monyetla wa ho ithuta mme o o hlahisa dinthong tse ngata. Itokisetse ho ithuta mme o iphe sebaka sa ho ithuta," o boletse jwalo.
Molaodi wa Lekgotla la Dinyewe Zulfa Talip o bolelletse DG ka ditshebetso tsa mosebetsi le bolaodi lekgotleng la dinyewe, tse nyehelang katlehong le botsitsong ba lekgotla. Ho netefatsa phano e lokileng ya ditshebeletso ka hara lekgotla la dinyewe, e nngwe ya ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa, ke ho ba le leano le amohelang ditlhahiso le menahano ya ba bang. "Sena se sebetsa ho bathahaselli, ba fuwang ditshebeletso le basebetsi. Kgokahano e bulehileng, e bonaletsang le ho tsitsa e a kgothalletswa le ho phethwa. Kahoo hangata diphepetso di rarollwa pele di tswelapele ho ba mathata," ho boletse Mof. Talip.
Mof Talip o boletse hore katleho ya lekgotla la dinyewe e ka kgolwa ho ba ka lebaka la kopano ya maikemisetso a basebetsi le motlotlo, ditshebetso tse utlwahalang tsa bolaodi, tsebo ya basebetsi, meralo ya lefapha le maikemisetso a ho etsa nyehelo le kameho e lokileng.
Ditoloko tsa molao di na le karolo ya bohlokwa eo di e bapalang ho netefatseng hore dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Aforika Borwa (SA) di sebediswa makgotleng a dinyewe. Sena se boletswe ke Motlatsi wa Motsamaisikakaretso wa Ditshebeletso tsa Lekgotla Advokheiti Simon Jiyane, a bua moketeng wa dikapeso wa ho hlomamisa ditoloko tsa molao ka la 19 Hlakola 2010. Baithuti ba apesitsweng ba amohetse Diploma ya Naha Ditolokong tsa molao, ya pele eo Yunivesithi ya Foreisetata e fanang ka yona. Palohohle ya baithuti ba 90 ba apesitswe.
Dipuo tse 11 tse ananelwang ka molao wa Motheo wa naha le tsona di lokela hoba dipuo tse sebediswang makgotleng a rona a dinyewe. Ena haesale e le taba e sa hlakang eo e saleng e tlohelwa," Adv Jiyane o boletse jwalo. O boletse hore baithuti ba dikapeso ba tla thusa mmuso ka phano ya ditshebeletso. "Re tshepa hore o tla sebedisa tsebo le bokgoni boo o bo fumaneng jwaloka karolo ya lenaneo lena ho fetola makgotla a rona a dinyewe," o hlalositse jwalo. O tswetse pele ho bolela hore lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le qadile porojeke e tekong e bitswang tshebediso ya Dipuo tsa Setala makgotleng a dinyewe. "Sepheo sa porojeke ena ke ho netefatsa hore makgotla a rona a dinyewe a ananela dipuo tse 11," o boletse jwalo.
Tshebediso ya dipuo tsa setala ha e sebeletse feela ho kgothalletsa diphapano tsa puo empa hape le ho ntshetsa pele phihlello ya toka le ho etsa hore baahi ba phuthullohe makgotleng a dinyewe. Kahoo ditoloko tsa molao di na le karolo ya bohlokwa eo di e bapalang ho netefatsa hore porojeke ena e kenngwa tshebetsong hantle le ka bohlwahlwa makgotleng a dinyewe kaofela. Porojeke ena e netefatsa hore ho na le phihlello e lekaneng ya toka bakeng sa MaAforika Borwa kaofela, haholoholo ba dikojwana di mahetleng le ba kotsing ya ho ka utlwiswa bohloko. Sena se tsamaellana le Molao wa motheo o ananelang dipuo kaofela tse 11 tsa semmuso. Nakong e fetileng, diketsahalo tsa lekgotleng la dinyewe di ne di mamelwa ka Sekgowa le Seburu feela.
A bua ketsahalong yona eo, Motlatsi wa Morektoro wa Yunivesithi ya Foreisetata Porofesara Ezekiel Moraka o ile a lebohisa lefapha bakeng sa mosebetsi o motle o entsweng. "Ke lakatsa ho ananela selekane seo re nang le sona le lefapha. Ke tshepa hore mofuta ona wa selekane o tla re isa bokamosong," o boletse jwalo. Porofesara o boetse a lebohisa baithuti ba dikapeso le ho ba leboha maikemisetso ao ba a bontshitseng dithutong tsa bona kaofela.
Prof Moraka o kgothalleditse baithuti ba dikapeso ho hlokomela thuto ya bona. "Ha le ne le tla Yunivesithi, le tletse sepheo seo e neng e le ho fumana thuto e itseng. Kajeno le fihlelletse toro eo. Bokgoni boo le nang le bona bo molemong wa hao, wa Yunivesithi le molemong wa setjhaba sa Aforika Borwa. O na le karolo ya bohlokwa ho bapala diphepetsong tse tobaneng le naha ya rona," o boletse jwalo.
Motlatsi wa Morektoro o kopile baithuti ba dikapeso ho ba diporofeshenale tse tlang ho tla ka ditharollo mathateng a tobileng Aforika Borwa. "Le lokela ho kgathalla bophelo ba setjhaba sa Aforika Borwa. Le lokela ho bontsha maikemisetso ka bokgoni, eneji, le bokgoni bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba," o phethetse jwalo.
Ka Neliswa Demana muso ka matsapa a ho laola ho phethwa ha diwili o entse Molao wa 1953 wa Diwili (Molao wa 7 wa 1953). Molao o fana ka ditlhoko tsa semmuso tse hlokehang phethahatsong ya wili; tlhaloso ya diwili le ho ba molaong ha diwili tse ding tse phethahatswang ho ya ka molao wa kahare wa dinaha tse ding. Hape Molao o fana ka bokgoni ba batho ba kentsweng phethahatsong ya diwili.
Ho na le bolokollohi ba ho paka Aforika Borwa. Bolokollohi ba ho paka ke kgetho ya motho e mong le e mong ho etsa wili e molaong le ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko kaofela tsa molao, ho siyela motho ofe kapa ofe eo a mo ratang maruo a hae.
Motlatsi wa Mookamedi e Moholo Kantorong ya Mookamedi e Moholo Patrys Venter o boletse hore MaAforika Borwa kaofela a molaong a lokela ho rala wili ho etsa bonnete ba hore maruo a bona a arolwa pakeng tsa batho ba kgetho ya bona. "Ho bohlokwa haholoholo ho tshireletsa ditabatabelo tsa bana ba ka tlase dilemong le baratuwa, sena se tla etsa bonnete ba hore ba tla hlokomeleha hantle," o boletse jwalo. "Nka re MaAforika Borwa a mangata a qala ho rala diwili, jwaloka ha ho ne ho etswa nakong e fetileng. Leha ho le jwalo, ena e ntse e le diperesente tse nyenyane tsa baahi."
Wili ke tokomane e kgethehileng, e lokelang ho ralwa ke setsebi se jwaloka mmuelli kapa khamphani ya matlotlo. Motho ya ralang wili o bitswa paki. Paki e lokela ho ba dilemo tse 16 kapa ho feta ho etsa wili ho fumana hore leruo le lokela ho nkwa jwang ka lefu. Wili e molaong ntle leha e ne e se na bokgoni ba ho ananela ditlamorao tsa diketso tsa bona ka nako ya ho etsa wili.
Wili e ka ngolwa ka letsoho, ya tlanngwa kapa ya hatiswa. Ho saena ha paki ho tlameha ho hlaha qetellong ya wili. Ho saena ho tlameha ho etswa ka pele ho dipaki tse pedi kapa ho feta tse nang le bokgoni. Dipaki di tlameha ho fana ka bopaki le ho saena wili ka pele ho paki le e mong le e mong. Haeba wili e na le maqephe a fetang bonngwe, leqephe le leng le le leng kantle ho leqephe leo e fellang le tlameha ho saenwa ke paki kae kapa kae leqepheng. Leha paki e tlameha ho saena maqephe a wili kaofela, ke leqephe la ho qetela feela la wili le hlokang ho saenwa ke dipaki.
Ditlhoko tsa wili e molaong ha paki e sa kgone ho saena lebitso la hae ke dife?
Ha paki e sa kgone ho saena lebitso la yona, e ka kopa motho e mong ho saena wili lebitsong la hae kapa e ka saena wili ka ho etsa letshwao (kgatiso ya monwana o motona kapa sefapano). Ha wili e saennwe ke motho e mong lebitsong la paki kapa ka ho etsa letshwao, Khomishenara ya Kano e tlameha ho tiisetsa hore o ikgotsofaditse ho ya ka boitsebiso ba paki le hore wili e saennweng ke wili ya paki. Khomishenara ya Kano e tlameha ho saena setifikeiti sa hae mme hape o tlameha ho saena leqephe le leng le le leng la wili, kae kapa kae leqepheng. Hape Khomishenara ya Kano e tlameha ho ba teng ha wili e saenwa mme e tlameha ho hlomathisa setefikeiti sa hae ka potlako kamora hoba wili e saenwe leha paki e ka hlokahala kamora ho saena wili.
Codicil ke shejule kapa sehlomathiso wiling e seng e entswe, e entsweng ho tlatsetsa kapa ho lokisa wili e seng e entswe. Codicil e tlameha ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko tse tshwanang le tsa wili e molaong. Codicil ha e hloke ho saenwa ke dipaki tse saenneng wili ya sethato.
Ho etsahala eng ha ke batla ho lokisa wili ya ka?
Ditokiso wiling di ka etswa feela ha wili e phethahatswa kamora letsatsi la phethahatso ya wili. Ditokiso wiling di tlameha ho phethahatswa ho ya ka ditlhoko tse tshwanang le tsa wili e molaong mme, ha paki e sa kgone ho e saena, ka tlhoko e tshwanang le e sebetsang bathong ba sa kgoneng ho saena wili. Ha o lokisa wili, dipaki tse tshwanang le tse saenneng wili ya sethato ha di hloke ho e saena hape.
Ana ke tlameha ho lokisa wili ya ka kamora tlhalano?
Lefa le yang ho molekane wa hao eo le hlalaneng le yena le wiling e entsweng pele ho tlhalano ya lona, le ke ke la hloka ho tloswa kamora tlhalano. Molao wa Diwili o bolela hore kantle le moo o bolelang ka tsela e nngwe, lefa le yang ho molekane wa hao eo le hlalaneng le yena le tla hloka ho bolelwa hore ha le molaong ha o ka hlokahala nakong ya dikgwedi tse tharo tsa tlhalano. Tlhoko ena ke ho dumella motho ya hladilweng nako ya dikgwedi tse tharo ho lokisa wili ya hae, kamora ketsahalo e bohloko ya tlhalano. Leha ho le jwalo, ha o ka hloleha ho lokisa wili ya hao dikgweding tse tharo kamora tlhalano, molao wa ho bolela hore ha e molaong o ke ke wa sebetsa, mme molekane wa hao eo le hlalaneng le yena o tla una molemo jwaloka ha ho bontshitswe wiling.
Leha ho le jwalo, jwaloka ha ho boletswe ka hodimo, motho e mong le e mong a ka aba leruo la hae ka ho etsa wili, leha ho le jwalo, ho bohlokwa ho fumana thuso ho tswa ho diporofeshenale ha o etsa wili. Babuelli, Diinshorense le Dibanka di thusa ba kopang tshebeletso ya ho etsa diwili.
Mookamedi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o itlama ho fa ditho tsa setjhaba tshepo ya hore maruo a tsona le matlole a tla laolwa ho ya ka molao.
Poloko ya ditokomane kaofela tse amohetsweng ke Mookamedi e Moholo mabapi le maruo, ho se lefelle melato, ditefello tsa ditjhelete tse kolotwang, matlole, jj.
Ngaka Seekoe a netefaletsa MaAforika Borwa hore Yuniti ya TRC e ke ke ya kgaotsa ho fihlella masalla kaofela a bahale ba ntwa a fumanwa.
Kamora moo, ba ile ba bolawa/fanyehwa ka 1967 le 1968 tjhankaneng e Bohareng ya Pretoria. Masalla a bona a ne a bolokilwe ka sephiri Dirapeng tsa Rebecca Pretoria, ntle le ho tseba ha ba malapa a bona. Ba hara batshwaruwa ba dipolotiki ba ka ballwang ho 135 ba bolailweng/ fanyehilweng ke mmuso wa kgethollo pakeng tsa 1960 le 1989.
Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC), Sehlopha sa Mosebetsi wa Batho ba Lahlehileng (MPTT) ho tswa Bolaoding ba Botjhutjhisi ba Naha, Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa le Toropo ya Tshwane di sebeditse mmoho patlisisong le phumanong ya masalla a bona. Boradipolotiki ba tsheletseng ba Pan African Congress (PAC) ba ile ba epollwa dirapeng tsa bafu ka la 24 Hlakola 2010.
Ba malapa ba ile ba iswa Tjhankaneng e Bohareng ba Pretoria pele, moo boradipolotiki ba neng ba kwalletswe mme hamorao ba bolawa. Khomishenara ya Sebaka ya Pretoria Grace Molatedi ho tswa Lefapheng la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ba ile ba amohela ba malapa setsing sa batshwaruwa sa Tshireletso e Hodimo, e tlwaelehileng ka la C-Max. "Kajeno re tlo phela histori hape. Ke tshepa hore kamora letsatsi la kajeno kaofela ha lona le tla kgona ho robala ka kgotso le tseba moo baratuwa ba lona ba leng," o boletse jwalo.
Komishenara Molatedi o boletse hore bahale ba ntwa ba lahlehetsweng ke maphelo a bona ba tshwanelwa ke hlompho. "Rona, jwaloka lefapha, re rata ho le bolella hore re mona bakeng la lona mme re tlo sebetsana le ketsahalo ena ka tlhompho. Ka kopo eba le bolokollohi ho tla ho rona ka ntho efe kapa efe, re mona ka lebaka la hao," o hlalositse jwalo. Ba malapa ba ile ba iswa diseleng moo boLanga 6 ba neng ba robetse teng le moo ba bolaetsweng teng.
Ditho tsa lelapa la Langa 6 di a etela C-Max, moo baratuwa ba bona ba bolaetsweng/fanyehilweng teng.
a tla nkwa ke MPTT bakeng sa dipatlisiso tsa forensiki. "Dipatlisiso di tla sebedisa DNA ho tsebahatsa masapo ka saense. Hape sena se tla etsa bonnete ba hore ba malapa ba fumana masalla a nepahetseng a baratuwa ba bona," o hlalositse jwalo.
Lenqosa la MoAjentina Carlos Sersale di Cerisano o fetisitse matshediso le tshehetso ya naha ya habo ho ba malapa. "Leano la rona la kantle ho naha le histori/nalane di etsa hore re utlwisise le ho le tshehetsa. Re tla tshehetsa mekgwa e lwantshang toka kamehla," o boletse jwalo.
Mokaubere wa PAC Johnson Mlambo o hlahisitse diteboho tsa mokgatlo wa hae mmusong ka ho fumana masalla. "Kajeno re mona ka lebaka la boradipolotiki bana ba bohlokwa. Ke batla ho leboha mmuso ka ho etsa ketsahalo ena e kgonahale. Ena ha se qetelo empa qalo ya tshebetso ya ho fola," o boletse jwalo.
Mong. Mlambo o abelane ka boitemohelo ba hae le Langa 6 kgolehong. "Ke tseba ba bang ba banna bana. Ho ne ho le bohloko ho botsollotswa dipotso ebe o bolellwa hore o tlo fanyehwa. Re ne re dula ka tebello re sa tsebe hore ke mang ya tla latela. Ho ne ho le bohloko ho ba le batho dilemo tse ngata jwalo hore ka letsatsi le leng ba ka tsamaya mme ba se hlole ba kgutla. Ke sa ntse ke phela ka mohau wa Modimo," mokaubere o boletse jwalo.
O kopile mmuso ho tswelapele ho batla masalla a boradipolotiki ba bang. "Ka kopo se kgaotseng hona jwale; ho sa ntse ho na le metswalle e tlamehang ho fumanwa hore le bona ba malapa a bona ba fumane phethelo. Ke phepetsa ba malapa a bahale bana ho fetisetsa mehopolo e matla eo ba nang le yona melokong ya jwale le ya kamoso," o boletse jwalo.
Vuyelwa Shweni, moradi wa Albert Montasi Sweni o lebohile DOJ le CD ho fumaneng masalla a ntate wa hae. "Ha re ne re lapile re le bana, kamehla ke ne ke tla botsa mme hore ntate o kae. O re bolelletse hore o nkilwe ke mapolesa a kgethollo. Kajeno re thabetse hore re tla kgona ho mo isa hae mme re mo boloke sebakeng sa hae se nepahetseng," o boletse jwalo.
ho fihlela ka la 2 Hlakola 1990 ha Poresidente ya Puso FW de Klerk a phatlalatsa tumello ya semmuso ho emisa dipolao kaofela. Kamora phatlalatso ya tumello ya semmuso ho emisa dipolao, Molao wa 1990 wa Tokiso ya Molao wa Ditlolo tsa molao tsa bosenyi o ile wa kena tshebetsong, o ileng wa fedisa kahlolo ya lefu.
Pele ho mehato ena e emisitseng le ho fedisa kotlo ya polao, AB e bile le se le seng sa sekgahla se phahameng ka ho fetisisa sa polao ya molao lefatsheng.
nakong ya ho tloha mahareng a -1985 ho fihla mahareng a -1988, sena se entse AB ho ba naha ya bobedi e phahameng ka ho fetisisa dipolaong lefatsheng.
Kaofela bao ba ahloletsweng lefu ba ile ba fetisetswa tjhankaneng ya Tshireletso e Hodimodimo Bohareng ba Pretoria, moo difate tsa polao di neng di dutse di emetse polao ya bona. Tabeng ya bao ba ahloletsweng lefu 'mahaeng', ba ahlotsweng ba ne ba romelwa tjhankaneng e Hodimodimo Venda, Ciskei, Transkei kapa Bophuthatswana, moo diphanyeho di neng di etswa teng.
Difate tsa polao di ne di ka nka batho ba supileng. Ba neng ba eba teng e ne e tla ba diofisiri tsa tjhankana, moahlodi le ngaka. Batshwaruwa ba ne ba emiswa mola o yang hodimo monyako. Moahlodi o ne a tla hula mohwele o neng o tla theola monyako, o phahamisetsa batshwaruwa bophahamong ba tshelela ka supa. Jwale ngaka e ne e tla hlahloba setopo mme e saene setefikeiti se tiisetsang lefu.
Sehlotshwana sa Toka, Thibelo ya Ditlolo tsa molao tsa Bosenyi le Tshireletso di tla kenela diketsahalo tsa ho rafa ho seng molaong.
onelopele ya tjhata ya ho rafa ya ho fihlella indaseteri ya ho rafa e hlodisanang lefatshe kaofela molemong wa MaAforika Borwa kaofela e hlolehisitswe ho atleha ke ho rafa ho seng molaong. Hlakiso ena e thibela maikemisetso a tjhata ya ho rafa ho qala indaseteri e tla ba motlotlo ho bontsha tshepiso ya naha e sa kgetholleng ka morabe moruong.
A tshetlehela Lekgotla la Naha la Diporovense (NCOP) puo nakong ya ngangisano ka ho rafa ho seng molaong ka Lwetse 2009, Letona le boletse hore ho rafa ho seng molaong ha se ntho e ntjha Aforika Borwa. O boletse hore ketsahalo ena e tlisa diphepetso tse mpe haholo ho indaseteri mme e boima haholo mme ha e a lokela ho nkelwa fatshe.
Ho ya ka Letona la Disebediswa tsa Diminerale, ho rafa ho seng molaong ho fumane phaello ya ntshetsopele e potlakileng ho tloha morao dilemong tsa bo1990. Lefapha le dikhamphani tsa ho rafa haesale di sebetsa mmoho ho feta dilemong tse leshome tse fetileng ho fedisa bothata bona. "Ho rafa ho seng molaong ke indaseteri e kgolo ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi ya dibiliyone tse ngata tsa diranta e kenyeletsang maqulwana a naha le matjhabeng ka boleng ba dibiliyone tse 5,6 tsa diranta. Maqulwana ana a semokolang kgauta a hlophisehile, a kotsi mme a na le disebediswa tsamaemo a hodimo. Ha ho nahanwa ka potso ya hore maqulwana ana a kgona ho tsamaisa dijo le disebediswa tse ding jwang ho ya tlasetlase kgohleng ya maene, ho hlakile hore barafi ba seng molaong ba thuswa ke barafi ba molaong, basebetsi le balaodi ka bobedi," o boletse jwalo.
Letona Shabangu le boletse dintlhakgolo tsa hore diqhomi le disebediswa le tsona di tsamaiswa le ho utsuwa mabenkeleng a ka tlase ho lefatshe a merafo e sebetsang.
Letona le boletse hore diketekete tsa baepi, "bao bongata ba bona bo tswang Lesotho, Mozambique, Zimbabwe le Botswana, di ikemiseditse ho beha maphelo a tsona kotsing ho fumana phaello diketsahalong tsena tse seng molaong. Baepi bana bas eng molaong ba hlometse le ho ba kotsi mme re batla ho romela molaetsa o hlakileng wa hore bofuma bo ke ke ba sebediswa e le lebaka diketsahalong tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi." O bolelletse ditho tsa NCOP hore kaofela bao ba rafang ba se molaong ha ba a fapana le batlolamolao ba etsang diketso tsa bosenyi tse sotlang ka batho ba bang tsa hlasela makoloi a tsamaisang tjhelete, ba bolaong mapolesa le basadi ba rona ka swele. Mof.
Dintwa tsa kahara dihlopha le ho thunyana jwale ke ntho e etsahalang letsatsi le letsatsi sebakeng sena. Ho thulana ka mantswe pakeng tsa barafi ba seng molaong le barafi ba molaong le mapolesa le basebetsi ba tshirelletso ho etsahala kgafetsa.
Ka la 2 Phuptjane 2009 Letona le etetse Welkom hanghang kamora ho amohela ditaba tsa mafu a 36 a pele. Lebaka e ne e le ho paka le ho fumana kutwlisiso ya mantlha ya taba. "Re etetse Welkom hape ka la 13 Phuptjane 2009, ho tshohla taba le mefutamefuita e mengata ya bankakarolo ho kenyeletsa setjhaba sa lehae, bomasepala, batho ba kgwebo, dikhamphani tsa merafo le mekgatlo ya basebetsi. Baemedi ba tswang tshebeletsong ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), boemong ba naha le ba porovense ka bobedi, le bona ba ne ba le teng," ho boletse Letona.
Foreisetata e thehilweng ka baetapele ba setjhaba, tlhophiso ya basebetsi, mmasepala wa Matjhabeng, dikhamphani tsa ho rafa, lefapha la Disebediswa tsa Diminerale, SAPS, hammoho le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Ho boetse ho iteangwa le mafapha a mang a amehang ho thusa moo ho hlokehang.
Foramo e entse moralo wa tshebetso ho fedisa diketsahalo tsa ho rafa ho seng molaong lebatoweng.
Foramo yona eo e filwe mosebetsi wa ho beha leihlo tswelopeleng e etseditsweng ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa tshebetso ke bathahaselli ba amehang.
Kabinete e hlokometse ho rafa ho seng molaong e le botshosetsi naheng mme ya nka qeto yah ore taba e sebetswe ke Sehlotshwana sa Toka, Thibelo ya Bosenyi le Tshireletso (JCPS).
Diminerale, haufinyana ba tla etela tse ding tsa dibaka tse amehileng ho hlahloba hore ke eng ho hong ho ka etswang ho sebetsana le taba ya ho rafa ntle le molao ka botlalo.
Letona le netefaleditse NCOP hore mmuso wa Riphaboliki ya Aforika Borwa o entse qeto ya ho nka mehato ho sebetsana le taba ya ho rafa ntle le molao. "Leha ho le jwalo, Ke batla ho boela ke tiisetsa maqulwana a ditlolo tsa molao tsa bosenyi hore qeto ya rona ya ho ba fedisa e matlafetse mme ba tla tswelapele ho utlwa motjheso ka ha mmuso o otamela ho lona ho fihlela le kgutsa ho qhekella batho ba rona ka diminerale tsa bona, ho ya ka Tjhata ya Tokolloho," ho boletse Letona Shabangu.
Ho tlama dikhamphani tsa ho rafa ka ntshetsopele ya Matlafatso ya Batho Batsho Moruong (BEE) ha di etsa kopo ya ditokelo tse ntjha tsa diminerale kapa di fetola tsa jwale.
Karolo ya bohlokwa ya tjhata ke karete ya matshwao ya ho rafa, e fanang ka moralo wa tshebetso bakeng sa ho lekanyetsa BEE karolong ya ho rafa.
Molao wa 68 wa 2008 wa Tshireletso ya Bareki o ile wa tekenelwa ho etswa molao ka la 24 Mmesa 2009 ho tshireletsa bareki kgahlanong le tsamaiso esengmolaong le e sa tsamayeng ka maitshwaro a lokileng ya kgwebo.
Ho ya ka dipehelo tsa phetoho, Molao o tla qala ho sebetsa ka Mphalane 2010. Dipehelo tsa phetoho di tla fana ka nako e lekaneng bakeng sa ho qalaKhomishene ya Naha ya Bareki, eleng mokgatlo o tlang ho fana ka kgatello kapa ho etsa dipatlisiso dintlheng tsa tshireletso ya bareki. Tebello ke hore molao o tla qala ho sebetsa mafelong a Mphalane selemong se hodimo.
Molao ona o tla bapala karolo ya bohlokwa phetolong ya dikamano pakeng tsa borakgwebo le bareki sedikadikweng sa boreki. Molao o tla matlafatsa ditokelo tsa bareki mme o fane ka kemo ya moloa ha ontse o netefatsa hore mekgwa le dipehelo tsa naha di ya latelwa ka ho fedisa ditsamaiso tsa kgwebo tse leeme.
tse qollotsweng Molaong wa 1941 wa Phahlo.
Ho ya ka CPA moreki o hlaloswa ka mosebedisi wa thepa, moamohedi thepa kapa motho ya tla tswelwa molemo ke ditshebeletso ho sa kgathalatsehe hore o nkile karalo thekisong e etsahetseng.
Molao o tshireletsa moreki kgahlanongditsamaiso tsa boithekiso tse kgethollang. Ho ya ka karolo ya 9 ya Molao, morekisi wa thepa le ditshebeletso ha tlameha ho kgetholla motho wa mofuta ofe kapa ofe abatlang ho fumana thepa e rekiswang. Hofeta mona moreki o tshireleditswe kgahlanong le thekiso ya thepa/ditshebeletso tsa boleng bo sa tshwaneng le ditefello tse fapaneng nakong ya ho bapatsa moo honang le tumellano pakeng tsa rakgwebo le mokadimisane wa lebitso la kgwebo. Ditumellano tsa mofuta o jwalo di ka susumelletsa mokadingwa wa lebitso la kgwebo ho reka thepa kapa ditshebeletso ho tswa ho mokadimisane wa lebitso la kgwebo feela. Ditokelo tsa ho thola nako ya ho nahana kamoraho ho boithekiso, ho khansela dipeheletso tse entsweng (boingodiso kapa tsa kopo ya thepa), kgetho le hlahlobo ya phahlo, ho kenyeleditswe le tsamaiso le ho kgutliswa ha thepa.
Tlhahiso leseding yohle ka mofuta wa tsebiso, tokomane kapa diphatlalatso e tlameha ho ba ka puo e bonolo e bile e utlwisiseya. Hona ho thusa moreki ya fokollwang ke bokgoni ba ho bala le boiphihlelo bo fokolang ho utlwisisa se bolelwang ke tlhahiso leseding (tsebiso, tokomane kapa diphatlalatso).
NCC e ka phatlalatsa mekgwa ya ditsela tse tlang ho sebetsa tekolong ya hore bareki ba fumantshwa tlhahisolesedinge kgotsofatsang. Tokelo ena e nehela moreki ditokelo tsa ho thola ditjeo, mongolo le tlhaloso ya thekiso di le pepeneneng, pepeso ya thepa e lokisitsweng kapa thepa e rekiswang e tlisitsweng ka naheng ntle le tumello, ditokomane tsa theko, pepeso ho tswa ho bahlokomedi le pontshahatso ya tsamaiso le sebaka sa thekiso.
Moreki o na le tokelo ya boithekisi bo senang thetso, bo sa kgeloseng , bo sa qhekanyetseng kapa bo sa tsietseng. Banehelani ba thibelwa ho bapatsa thepa kapa ditshebeletso ka mokgwa o kgelosang. Tsamaiso ya thibelo e bitswa boithekiso ba tsietso 'bait marketing'. Mekgwa emeng ya boithekiso e thibelwang e kenyeleditse boithekiso bo sanepahalang moo teng ho fanwang ka thepa le ditshebeletso ka tshepiso ya hore ditla itlhopisa.
Re aparetswe ke moya wa Mohope wa Lefatshe mme lethabo, ditabatabelo le tjheseho dimenahane ho ba ntho elengwemenahanong ya maAfrika Borwa a mangata. Ho santse ho le bohlokwa ho hlalosa dintlha tse itseng mabapi le 2010 ho basebetsi le baahi, jwalo ka hore Nyewe ya Kgotla ya Mohopewa Lefatshe wa 2010 e bakwa ke eng.
Mokgwa wa tshebetso tsamaisong ya toka o ile wa qalwabakeng sa ho shebana le diketsahalo tse kgahlanong le molao nakong ya ho tshwarwa ha Mohope wa Lefatshe wa FIFA 2010. Dinaha tse kileng tsa tshwara dipapadi tsa mohope wa lefatshe nakong e fitileng ba hlahisitse ntlha ya hore ho eketseha ha baeti bahlahang dinaheng tsa kantle ho phahamisa diketso tsa tlolo ya molao. Ka lebaka leo, ditsela tse ikgethileng di se dithontswe bakeng sa ho shebana le mathata a ka bang teng ha o tshwerwe tlhodisano ya boholo ba Mohope wa Lefatshe wa FIFA.
Ho qobana le tshitiso ya ditshebeletso tsa toka tsa baahi ba Aforika Borwa, lekgotla le momahaneng la tsamaiso ya toka le kgethile diphaposi tsa makgotla a dinyewe tse 54 tse tlang ho sebediswa diprofensing tse robong nakong ya ho tshwarwa ha papadi tsa Mohope wa Lefatshe. Bongata ba diphaposi tsena tsa makgotla a dinyewe ditholahala ditoropong tse tlong ho tshwara dipapadi mme ditholahala haufinyana le mabala a dipapadi le ditsing tsa baeti.
Makgotla atla qala ho sebetsa dibeke tse pedi pele ho dipapadi mme a tswele pele dibeke tse ding tse pedi kamoraho ho dipapadi. Bakeng sa honetefatsa tsamaiso ehlwahlwa ya toka, basebetsi makgotleng ana a ikgethileng batla sebetsa ka ho phomotsana pakeng tsa motsheare le bosiu,.
<fn>Language policy Sesotho.txt</fn>
Ho ile ha elwa hloko maemo a ka hara provense ha ho ralwa Leano la Puo la Mmuso wa Provense ya Freistata. Ho ya ka dipalopalo tsa moraorao tjena, palong ya batho , provenseng ya Freistata Sesotho ke yona puo e buuwang ke boholo ba baahi ba Freistata (64% kapa 1 742 939 ya batho bao e leng puo ya bona ya tlhaho), ho latele Afrikaans (12% kapa 323 082 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho), isiXhosa (9% kapa 246 192 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho), Setswana (7% kapa 185 389 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho) le isiZulu (5% kapa 138 091 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho). English (1,3% kapa 31 246 ya baahi bao e leng puo ya bona ya tlhaho) le ha e sebediswa ke batho ba mmalwa haholo provenseng jwalo ka puo ya bona ya tlhaho, ke puo e sebediswang ke batho ha dipuo tsa bona tsa tlhaho di fapane. Ke puo e dumellang dikgokahano pakeng tsa batho ba tswang ditjhabeng le dihlopheng tsa merabe e fapaneng, e le tsela ya ho fa batho matla a ho phela hara matjhabatjhaba. Kahoo, boleng ba tsebo ya senyesemane (English) ha bo a tshwanela ho nyenyefatswa, ha feela tshebediso ya sona e sa sitise tshebediso le ntshetsopele ya dipuo tse ding tsa rona tsa tlhaho. Hape English e kgethilwe ho ba yona puo ya direkoto tsa Mmuso wa Provense, bakeng la ho tswella le ho sebetsa ha dikgokahano. Indastering ya bofetoledi e sebetsa jwalo ka puo eo ditokomane di fetolelwang ho tloha ho yona ho ya ho dipuo tseo ho fetolellwang ho tsona, e leng dipuo tse ding tsa semmuso.
Tlasa mmuso wa nako e fetileng wa kgethollo, Afrikaans le English e ne e le tsona dipuo tsa Afrika Borwa tsa semmuso. Ha mmuso wa demokrasi o kena pusong, ho ile ha etswa sebaka sa hore ho be le dipuo tse 11 tsa semmuso ha ho ne ho amohelwa Molao wa Motheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa ka 1996, e le ha ho phahamiswa dipuo tsohle tsa rona tsa tlhaho. Ka lebaka la ho se sebediswe ha dipuo tsa seAfrika ho tsa semmuso pele ho 1994 Afrika Borwa, ho ile ha ba le ho se lekane ho hoholo ha maemo a dipuo. Ho tloha ka nako eo, mmuso o filwe thomo ya ho kenyeletsa dipuo tsa seAfrika jwalo ka dipuo tsa semmuso hara Afrikaans le English diketsahalong tsa Mmuso, le ho phahamisa maemo a tsona kahohle-hohle. Diprovense di ile tsa latela tsela ena ka ho tsebisa dipuo tse bongateng tikolohong tsa tsona e le dipuo tsa semmuso, hangata e leng dipuo tse sa feteng boraro kapa bone. Diphepetso tseo mmuso o neng o tobane le tsona, mme o ntse o tobane le tsona hajwale, ke ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tsohle tsa semmuso, ho kwala dikgeo tsa nako e fetileng, ho ntshetsapele dipuo tsa tlhaho, haholo-holo dipuo tsa seAfrika, le ho ntjhafatsa maemo a tsona hara dipuo tse ding setjhabeng; ke diphepetso tseo maano a puo, a ntsheditsweng pele kapa a ntseng a ntshetswa pele ke makala a mmuso, a duba-dubaneng le tsona.
Le ha di ne di so amohelwe ke leano kapa molao, dipuo tsena tse tharo di ile tsa thehwa jwalo ka dipuo tsa Freistata tsa semmuso ka tshebediso ya tsona dikgokahanong tsa mmuso. Di bile le monyetla wa maemo a ikgethileng Lekgotleng la Ketsamelao la Provense ya Freistata ekasitana le Mmusong wa Provense ya Freistata ho tloha ka 1994. Empa hoo ho ile ha baka sekgeo hobane ha ho a ka ha fanwa ka monyetla wa tshebetso e tjena dipuong tsa Senguni tse buuwang Freistata (IsiXhosa, IsiZulu). Dipuo tse welang tlasa sehlopha sa dipuo tsa Senguni di utlwisiswa kaofela ke batho ba buang dipuo tsena, jwalo ka ho etsahala ka dipuo tsa Freistata tse welang tlasa sehlopha sa dipuo tsa Basotho (Sesotho, Setswana). Ka hoo, ho ile ha nkwa qeto ya ho kenya IsiXhosa, le ho theha dipuo tsena tse nne (Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa, English) jwalo ka dipuo tsa semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata.
Dipuo tse ding tse pedi tsa semmuso tse sebediswang ke palo e kgolo ya batho Provenseng ya Freistata, e leng Setswana le IsiZulu, di fumanwa haholo ditikolohong tse itseng tsa Freistata, e le dipuo tsa bongata ba batho. Maemong a jwalo, bomasepala ba lokela ho nkela ntlha eo hloohong. Bomasepala ba Freistata, bao maano a bona a puo a lokelang ho itshetleha ka leano la puo provenseng, ba lebeletswe hore kamora dipuisano le setjhaba, ba thehe dipuo tsa bona tse kgethilweng tsa semmuso ho ya ka maemo a bona a ditaba a lehae, jwalo ka ho ata ha dipuo le meetlo dibakeng tsa bona tsa puso mmoho le tse itseng tse nketsweng hloohong.
Ho boetse ho entswe le sebaka leanong la puo bakeng la ditlhoko tsa kgokahano tsa batho ba sa utlweng ditsebeng le ba sa boneng, e leng dihlopha tse sa ntseng di tinngwe tlhahisoleseding ya tsa mmuso haholo, hobane ha ho a elwa hloko ditlhoko tsa bona tse ikgethileng tsa dikgokahano ka ho lekana le batho ba bang.
Sesotho jwalo ka puo ya boholo ba baahi Freistata, se lokelwa ke tsotello e ikgethang. Ho lokela ho ajwe disebediswa tse lekaneng bakeng la ntshetsopele ya mareo a Sesotho mmoho le phahamiso le tlhahiso ya dingolwa tsa Sesotho.
Ho bebofatsa phihlello ya ditshebeletso tsa mmuso wa Freistata ka ho lekana, tsebo le tlhahisoleseding bakeng la batho bohle ba Freistata, ho kenyeletsa le ba sa utlweng mmoho le ba sa boneng, ho ya ka moya o motle wa Batho Pele.
Ho hodisa le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata Freistata.
Ho kgothaletsa hore batho ba ithute dipuo tsa ka hara provense.
Ho hodisa tshebedisano ya bakgathatema bohle, e le ho thibela phetapheto ya maiteko le ho kopanya diketsahalo.
Bakeng la dikopano, dipuisano le dikeletso puo efe kapa efe ya tse hlwailweng e le tsa semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, e utlwisiswang le eo ho dumellanwang ka yona ke bankakarolo bohle e ka sebediswa, ha feela ho sebediswa ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng, ha eba ho hlokeha, mme metsotso ya dikopano kapa tsamaiso di ngolwa ka English bakeng la direkoto.
Dithuto le tlhahisoleseding ya baofisiri di lokela ho tsamaiswa ka puo e hlwailweng semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, e tshwanelang sehlopha seo ho tabanweng le sona, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa puong eo kapa tse rupelletsweng le/kapa ka mekgwa ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang, ha ho sena morupelli kapa mmmehedi ya buang puo eo. Ditlhoko tsa batho ba rupellwang ba sa utlweng ditsebeng di lokela ho ananelwa mme ba fuwe thuso ya ditoloko tsa puo ya matsoho kapa phetolelo ya dipolelo moo ho lokelang.
English, ke puo e sebedisetswang direkoto tsa kahare tse ngotsweng, bakeng la kutlwisisano pakeng tsa makala le ka hara makala a mmuso.
Braille (mongolo wa difofu) le Mongolo o Moholo di tla sebediswa bakeng la ditlhoko tsa kgokahano ya baofisiri ba sa boneng, ha ho hlokeha le ha ho ka etswa kopo e jwalo.
Empa moofisiri e mong le e mong o lokela ho dumellwa ho sebedisa Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa kapa English ha a rala dikgokahano tse ngotsweng tsa semmuso.
Ho feta moo, moofisiri e mong le e mong o tla dumellwa ho kopa phetolelo kapa tlhalosetso ya kgokahano efe kapa efe e ngotsweng ya semmuso, e tswang Mmusong wa Provense ya Freistata, ka Sesotho, Afrikaans, IsiXhosa kapa English.
Dipuisano tsa molomo tsa kantle bakeng la mafapha ohle a Mmuso wa Provense ya Freistata, haholo-holo le ditheo tse nehelanang ka ditshebeletso ka ho otlolloha setjhabeng.
Dipuisano tsa molomo tsohle tsa semmuso tse tswang Mmusong wa Provense ya Freistata, tse etswang le setjhaba sa Freistata, di lokela ho etswa ka di/puo tse hlwailweng tsa semmuso Mmusong wa Provense ya Freistata, tse tshwanelang sehlopha se tobilweng, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng, baofisiri ba hlwahlwa puong eo kapa thuso ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang tsa medumo ya dipuo tse fapaneng, ho kenyeletsa le ditoloko tsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa le phetolelo ya dipolelo, ha ho hlokeha.
Diofising tsa tikoloho, ditsing tsa setjhaba tsa tshebediso tse fapaneng le ditheong tse fanang ka ditshebeletso ka ho otloloha setjhabeng, baofisiri ba buang dipuo tsa semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata e le dipuo tsa bona tsa tlhaho (ho kenyeletsa le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho hlokeha) tse sebediswang ke boholo ba batho tikolohong eo kapa tikolohong eo ya ditshebeletso, ke bona ba lokelang ho sebetsa moo.
Baofisiri ba sepolotiki le ba setjhaba ba fanang ka puo setjhabeng, ba tshwarang dikopano tsa ditherisano le setjhaba kapa ba bua le sona ha ba etetse setjhabeng, ba le dikopanong le dipitsong le sona, ba lokela ho tsamaya le ditoloko tse lokelang sebaka kapa tikoloho eo tsa dipuo tsa semmuso tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata, mmoho le tsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho hlokeha. Ho lokela ho etswa mekutu yohle hore dihlopha tsohle tsa dipuo tsa tikoloho di kenngwe tshebetsongmmoho e tjena.
Matsholo a setjhaba, dipontsho tsa mebileng, dikopano tsa boitjhoriso le diboka di lokela ho tshwarwa ka dipuo tsohle tse nne tsa semmuso tse hlwailweng Mmusong wa Provense ya Freistata le ka Puo ya Matsoho ha ho hlokeha, ka thuso ya ditoloko tse hlwahlwa kapa tse rupelletsweng le ka thuso ya disebediswa tsa setekginiki tsa medumo le tse bohwang.
Ho latela pampiri e Tshweu ya Batho Pele, dikgokahano tse ngolletsweng setjhaba di lokela ho ngolwa ka puo e sa potoloheng, e utlwisisehang habonolo, mme e sa fe mobadi bothata.
Karabo efe kapa efe e tswang mmusong, e arabelang motho kapa batho setjhabeng, e lokela ho ngolwa ka puo ya Afrika Borwa ya semmuso e sebediswang ke mongodi.
Diphatlalatso tsa semmuso tse tswang Mmusong tse hlwailweng tlase mona di lokela ho phatlalatswa bonyane ka dipuo tse pedi tse hlwailweng tsa semmuso, tsa Mmuso wa Provense ya Freistata, e leng puo eo di ngotsweng ka yona (English) le e nngwe ya dipuo tse ding tse tharo, ka ho fapanyetsana: Ha feela eba diphatlalatso tsena tse ding tsa dipuo tse pedi tse hlwailweng tsa semmuso di fumantshwa ka nako e amohelehileng ka mokgwa wa ilektroniki, mme di tla fuwa setjhaba ha se di kopa. Moo ho lokelang, sehlomathiso se bolelang hore di ka fumaneha ka dipuo tse ding tse hlwailweng tsa semmuso ha di koptjwa, se lokela ho ngolwa ditokomaneng. Ho fihlella sena, ho tla bokellwa tsebo e bohareng, e tla bolokwa hore ditokomane di kgone ho fetisetswa moo di hlokwang ka mokgwa wa ilektroniki. Difofu le tsona di lokela ho ba le hona ho ka kopa ditokomane tsena ka mongolo wa braille, mongolo o moholo kapa ka dikgatiso tsa medumo le tse bonwang. Setjhaba se lokela ho ba le hona ho ka kopa ditokomane tsena ka dipuo tse ratwang ke bona hara tse hlwailweng tsa semmuso, Mmusong wa provense ya Freistata, ho tswa dilaebraring tsa provense mmoho le/kapa ditsing tse hlwailweng, mme ba lokela ho tsebiswa hore ba ka kgona ho etsa kopo e jwalo.
Diphephetjhana le ditokomane tse nang le tlhahisoleseding e bohlokwa eo baahi bohle ba provense ba lokelang ho e ela hloko bakeng la kgotsofalo ya bona, tshireletseho, bophelo bo botle kapa boemo bo botle.
Ntho tse ngotsweng dimakasining le dikoranteng tsa tikoloho, mmoho le diwebsaeteng ha maemo a dumela, di lokela ho ba ditaba tsa dipuo tse fapaneng tse nne tse hlwailweng semmuso, tsa Mmuso wa Provense ya Freistata; tse nang le diketapele le kgutsufatso ya ditaba e ngotsweng ka English, moo ho lokelang, empa ho sa kenyeletswe phatlalatso ya dingolwa tse ikgethileng tsa puo e itseng. Bahlophisi ba lokela ho inkela qeto ya hore ho sebediswe dipersente tse kae tsa dikahare puong ka nngwe, re sa lebale sehlopha sa babadi se ngollwang. Moo ho lokelang, dingolwa tsa bohlokwa ka ho fetisisa di lokela ho fapanyetsana ka dipuo tse hlwailweng semmuso tsa Mmuso wa Provense ya Freistata, mme di be le kgutsufatso e ngotsweng ka dipuo tse ding tse hlwailweng tsa semmuso.
Dipapatso tse etswang ke boraditaba di lokela ho etswa ka puo e hlwailweng semmuso ya Mmuso wa Provense ya Freistata, e loketseng sehlopha sa ba fanang ka ditshebeletso, babadi kapa batho ba etsang dikopo.
Matshwao a jwalo ka diboto tsa tsebiso, diboto tse supisang tsela le diboto tsa mabitso meahong ya diofisi tsa ntlo kgolo Mmusong wa Provense ya Freistata, diofising, mafapheng le dikarolong tsa mafapha, di lokela ho ngolwa ka dipuo tse nne tse hlwaileng tsa semmuso. Dibakeng tse fanang ka ditshebeletso tsa setjhaba ka ho otlolloha, tse jwalo ka dipetlele, dilaebrari le diofisi tsa balaolasephetephete, ekasitana le diofisi tsa makala le ditsi tsa setjhaba tsa tshebediso tse ngata ka hara ditikoloho, matshwao ana a lokela ho ngolwa ka dipuo tsa Freistata tsa semmuso tse sebediswang ke boholo ba baahi tikolohong kapa sebakeng seo. Tatellano ya dipuo tse sebedisitsweng matshwaong e lokela ho ba sesupo sa tatellano ya boahi ho ya ka dipuo tsa provense ya Freistata, jwalo ka ha ho bontshitswe kabong ya dipuo, ho tloha ho puo ya tlhaho e buuwang ke boholo ba batho ho ya ho e buuwang ke ba mmalwa ho feta tse ding.
Mabapi le ditokomane tse ding tsohle tse tswang Mmusong wa Provense ya Freistata tse balwang ke setjhaba, ho lokelwa hore ho latelwe leano la tshebediso ya dipuo tse ngata, ho ya ka tlhoko . Ho bolelang hore ditokomane di lokela ho ngolwa ka puo kapa dipuo tse hlwailweng semmuso ke Mmuso wa Provense ya Freistata, tse loketseng sehlopha kapa dihlopha tse tobilweng, ho shebilwe ditlhoko tsa bona le maemo a bona a thuto.
Dikgokahanyo tsa matjhaba ho tswa Mmusong wa Provense ya Freistata ka tlwaelo di tla ba ka English kapa ka puo e kgethwang ke naha e amehang moo ho kgonehang.
Ho kgothaletsa tswelopele ya dipuo tsohle tsa Freistata, mmuso wa provense o lokela ho tshehetsa le ho phahamisa bongodi, ditlhodisano le matsholo bongoding, mekgatlo ya babadi, le kgatiso mmoho le phetolelo ya meetlo ya setho ka dipuo tsohle tsa Freistata, tsa baahi le setho sa bona ka ho fapana, ho kenyeletswa setho le dipuo tsa maKhoe le maSan, le puo ya matsoho. Ho fihlella sena, ho tla thehwa komiti e akaretsang ya bangodi ba Freistata.
Ha re sheba tlhokeho e kgolo ya ntshetsopele ya mareho a setekginiki dipuong tsa seAfrika, mmoho le tlwaelo e atileng ka hara naha ya ho ajwa ha disebediswa tse haellang lekaleng le itseng la mosebetsi ho ya diprovenseng tseo dipuo tsena di buuwang ke bongata ba baahi; re shebana le puo e le nngwe fela e itseng, Mmuso wa Provense ya Freistata o tla fana ka disebediswa tsa yona le ho etsa matsapa haholo-holo tswelopeleng ya mareho a Sesotho. O tla nka mehato ya tshebetso le bakgathatema kgodisong ya mareho a Sesotho a akareletsang a karolo tsohle tsa mosebetsi wa setekginiki, mafapheng ohle a 11 a mmuso a ikemiseditseng ho hlahisa manane a mareho a dipuo tse pedi a tla sebediswa ke basebetsi ba sebetsang ka puo, matitjhere le bakgathatema ba bang.
Phetolelo eo e seng ya sephiri dipuong tse ding tse tharo tse hlwailweng e le tsa semmuso Freistata, e leng, Afrikaans, IsiXhosa, le English, di tla fuwa mekgatlo e sebetsanang le ntshetsopele ya mareho dipuong tsena hore e be le mareho, ha ho koptjwa jwalo.
Molao wa boitshwaro puisanong e ngotsweng le e etswang ka molomo ho setjhaba le basebetsimmoho, ho ikamahantswe le metheo ya Batho Pele, o tla thehwa bakeng la bahlanka ba mmuso.
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla tsebahatsa leano la puo mme o tla thakgola diprojeke le diketsahalo tse reretsweng ho tsebahatsa tshebediso ya dipuo tse ngata, ho lokisa ho se leka-lekane ha dipuo ha nakong e fetileng le ho ntshetsa pele dipuo tse neng di kotetswe nakong e fetileng.
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla tshehetsa ho ithuta ha dipuo tse nne tse hlwailweng e le tsa semmuso Freistata ka ho neha bahlanka ba mmuso tsebo ya mantlha ya puisano dipuong tsena. Mmuso o tla etsa hore bahlanka ba mmuso ba kgone ho sebedisa tsebo ena ha ba kopana le basebetsimmoho le setjhaba ho hodisa dikamano tse ntle tsa phedisano ya batho.
Bomasepala ba Freistata ba tlameha ho ntshetsa pele maano a dipuo tsa bona a lokelang ho ikamahanya le Leano la Puo la Mmuso wa Provense ya Freistata. Kgetho ya dipuo tse hlwailweng e le tsa semmuso boemong ba puso ya lehae e tla itshetleha maemong a lehae a masepala o itseng, jwaloka kabo ya puo, maemo a thehilweng a tlwaelo le kgonahalo, le a ditjhelete, hammoho le ho ela hloko tseo baahi ba di ratang bomasepaleng ba bona ba lehae.
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla kgothaletsa dikgwebo tsa praevete ho ntshetsa pele maano a bona a dipuo, le ho di tshehetsa, ka ho etsa hore e fumane tlhahisoleseding e amehang, ebang e kopa ho e fumana.
Boemong ba Mmuso wa Provense ya Freistata, ho tla thehwa popeho ka baemedi ba mafapha a 11 ba tla kopana hang ka kotara kapa ha ho hlokeha, ho lekodisisa leano la puo, ho fana ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha leano hammoho le ka mathata ao ho kopanweng le ona, le ho etsa dikgothaletso bakeng la ntlafatso, ebang ho hlokeha.
Boemong ba provense, ho tla thehwa Foramo ya Puo ya Provense ya Freistata e nang le baemedi ho tswa ditheong tse fapaneng. Foramo ena e tla boela e thuse le ka ditshebeletso tsa boikamahanyo le tsa dikeletso bakeng la mekgatlo e boemong ba naha e sebetsanang le ho etsa diqeto mabapi le ditaba tse amanang le puo. Sena se tla etswa e le ho bebofatsa tshebedisanommoho le phapanyetsano ya tlhahisoleseding e amanang le puo pakeng tsa bakgathatema bohle ba puo ka hara provense, ho netefatsa boikamahanyo bo phatlalletseng, ho fedisa phethaphetho ho fokotsa ditjeho le ho boloka maemo a lebeletsweng a nehelano ya ditshebeletso tsa puo.
Mmuso wa Provense ya Freistata o tla sebetsa ka boikamahanyo le Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata, e leng karolo ya Boto ya Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa boemong ba provense, e tlang ho beha leihlo le ho eletsa mabapi le tse amanang le puo ka hara Provense. Ditho tsa yona di emetse dipuo tsohle tsa baahi ba Freistata, le setjhaba se tla kgothaletswa ho tlisa ditletlebo tse amanang le puo kapa dikgothaletso ho Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata. Ho tla ikopanngwa le Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata mabapi le leano la puo, meralo ya ho le kenya tshebetsong, le dipopeho mmoho le tse ding tse etswang ho fihlella nako ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Tshebediso ya pono le kutlo, ka tsela ya diselaete, dividiyo, di-DVD, ka puo le ka mmino.
Ho tseba ho dumedisa motho emong, ho botsa bophelo le ho qoqa ka dihlooho tse akaretsang tsa kamehla, le ho supisa motho sebaka kapa ditaelo ka puo e itseng. Bakeng la bahlanka ba mmuso tikolohong e itseng ya tshebetso, haholoholo ba sebetsang le setjhaba ka ho otloloha; e boetse e kenyelleditse le ho fumana tsebo ya tlotlontswe e amanang le tsa mosebetsi le bokgoni ba puisano ka puo e itseng.
Polelo ya Sesotho e bolelang "ho beha batho pele".
Puisano ya molomo pakeng tsa setjhaba le Mmuso wa Provense ya Freistata, le ka disebediswa tsa setekginiki tse jwaloka di-DVD kapa dividiyo ka medumo le ka puo ya matsoho.
Ditokomane tse ngotsweng ke Mmuso wa Provense ya Freistata bakeng la ho balwa ke setjhaba, jwaloka diphatlalatso tse hlalositsweng ntlheng ya 3.
Tshebediso ya dipuo tse loketseng bakeng la mosebetsi kapa sepheo se itseng, le bakeng la batho kapa babadi ba itseng.
Diofisi tsa Ntlokgolo tsa mafapha tse nehelanang ka tlhahisoleseding e nepahetseng ebile e felletse ya moraorao tjena, e mabapi le ditshebeletso tseo mafapha a nehelanang ka tsona le bahlanka ba mmuso ba ikarabellang bakeng la ditshebeletso tseo tse fapaneng, tse nang le basebetsi ba buang dipuo tse hlwailweng tsa semmuso, e le dipuo tsa bona tsa tlhaho, ba tla thusa batho ba sebeletswang ka seqo kapa ka mohala ka puo eo ba e utlwisisang hore ba fihlelle tlhahisoleseding le ditshebeletso tsa mmuso, kapa ba kenye ditletlebo kapa ditshisinyo bakeng la nehelano e ntlafetseng ya ditshebeletso.
Puisano ya molomo ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata, ka disebediswa tsa setekginiki tse jwaloka di-DVD kapa dividiyo, le puo ya matsoho.
Ditokomane tse ngotsweng ke bahlanka ba mmuso ba di ngolla ba bang bahlanka ba bang ba mmuso hore ba di bale le ho di utlwisisa, ho ba tsebisa , hore ba nke diqeto, ho boloka direkoto, jwalo-jwalo; jwaloka ditokomane tsa ditshisinyo kapa dikopo , dimemorandamo, ditlaleho, meralo, mananeo, ditsebiso, manane, j.
Dividiyo / di-DVD moo ho sebediswang puo ya matsoho ho pheta dipale , dithothokiso, le tse ding.
<fn>LanguagePolicy_Sotho.txt</fn>
Batho bohle ba tla ba le ditokelo tse lekanang ho sebedisa puo ya bona le ho ntshetsa setso le meetlo ya baholo ba bona pele.
Molao wa dipuo tsohle ke karolo ya bohlokwa ya phetoho ya Afrika Borwa ho ya ho demokrasi e amohelang ho nka karolo ka botlalo. Batho ba ke ke ba lebellwa ho phetha ho ya ka melao ha ba sa kgone ho e utlwisisa.
Ha a botswa hore hobaneng a batlile hore The Long Walk to Freedom e fetolelwe dipuong kaofela tse leshome le motso o mong tsa semmuso tsa Afrika Borwa, MoPresidente ya hlomphehang wa mehleng Nelson Mandela o itse, ke a qotsa: "Buka ena e fetoletswe dipuong kaofela tsa lefatshe. Nka ya sebakeng sefe kapa sefe lefatsheng mme pale ya ka e ka fumanwa ka puo eo. Mona ke teng ka Sekgowa feela. Ke batla ho ba karolo ya dipuo kaofela tsa naha ya ka. Puo ya motho ha e a tshwanela ho ba moshwella. Ke kahoo ke kgollwang ho phetolelo: hore re kgone ho phela mmoho".
Pele ho 1994, Sekgowa le Seburu e ne e le tsona feela dipuo tsa semmuso pusong ya selehae dibakeng tseo jwale e leng karolo ya Lekgotla le Leholo la Motse la Toropo ya Tshwane. Puso e ntjha e theilweng ka 1994 e tlisitse Molao wa Ditshebetso tsa Lekgotla la Motse wa 2000 (Molao wa 32 wa selemo sa 2000), o hatellang ho nka karolo hwa setjhaba pusong ya selehae. Ho totobetse hore hore Lekgotla la Motse le fihlelle hore setjhaba se nke karolo ka ho phethahala, le tla tlameha ho sebeletsa baahi ba lona ka puo eo ba e utlwisisang ho feta.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo ya Lekgotla la Motse e arabetse pitso ya dipuo tse fapaneng ka ho ntshetsa Molao wa Puo wa Tshwane pele, o ikemiseditseng ho rarolla ho sa lekalekane hwa dipuo mehleng ya kgale. Molao o theilwe ho tswa Moralong wa Molao wa Puo wa Naha o ntsheditsweng pele ke Tshebeletso ya Puo ya Naha ya Lefapha la Bonono le Setso. Moralo ona o bolela hore, hara dintho tse ding, maemo a puo a provense le a lehae a tlameha ho elwa hloko ha melao ya puo e ntshetswapele ke dipuso tsa provense le tsa selehae.
Kahoo Molao wa Puo wa Tshwane o ikemiseditse ho fana ka ditataiso tsa hore Lekgotla la Motse le tshwanela ho kenya jwang tshebediso ya dipuo kaofela tshebetsong, ditsweletsong tsa lona tsa kgokahano ho netefatsa hore baahi kaofela ba kgona ho fumana tlhahisoleseding le ditshebeletso tsa lekgotla la motse ka puo eo ba e utlwisisang ho feta.
tshebediseho ya dipuo tsohle e bolela kgetho ya (di)puo e itseng maemong a itseng, e fumantshwang ke moelelo wa ka moo puo e sebediswang ka teng, k.h.
mosebeletsi wa Lekgotla la Motse a sa utlwisising puo ya mosebeletsi e mong kapa basebeletsi ba bang ba Lekgotla la Motse (basebeletsi ba ka fihlang ho leshome ba ka ameha); mohl. dingangisanong tsa mosebetsi kapa dikgalemong tsa boitshwaro mosebetsing, kapa mosebeletsi wa Lekgotla la Motse a sa utlwisising puo ya mosebeletswa wa Lekgotla la Motse kapa moahi wa Tshwane (basebeletswa kapa baahi ba ka fihlang ho leshome ba ka ameha), mohl.
phetolelo" e bolela phetolo ya sengolwa ho tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe, ka "ho fetolela" ho e na le moelelo o tsamaelanang; mme puo e sebetsang" e bolela puo ya semmuso e kgethilweng ke Lekgotla la Motse e le puo e sebedisehang ho feta ho ka sebediswa ketsahalong e itseng ya setjhaba.
Karolo ya 1.2.4 ya Moralo wa ho kenya Tshebetsong: Moralo wa Molao wa Puo wa Setjhaba wa 2003, e bolelang hore puso ya selehae e tla fumana puo e sebediswang le kgetho ya ditjhaba tsa yona ka hare ho moralo wa molao wa puo wa provense. Ha ho fumanwa puo e sebediswang le kgetho ya ditjhaba, mebuso ya selehae e tlameha, dipuisanong tse akaretsang le ditjhaba tsa yona, ho ntshetsapele, phatlalatsa le ho kenya molao wa tshebediso ya dipuo tsohle tshebetsong.
Pampiri ya Raporoto ya Mmuso ka ho Fetolwa ha Phumantsho ya Tshebeletso ya Setjhaba.
Molao ona o tsamaisana le diphumantsho tsa molaotheo tshebedisong ya dipuo tsohle, hammoho le matshwao a bohlokwa a bontshang katleho ya Lekgotla la Motse.
tshireletso ya phapano ya puo le tshehetso ya ntshetsopele ya tlhompho bakeng sa tshebediso ya dipuo tsohle hammoho le phapano ya ho ba ntho e le nngwe; le tshebediso ya ho bua dipuo tsohle bakeng sa tsamaiso le ditsweletso tsa kgokahano tse kgabane ka hare ho Lekgotla la Motse.
Ditokelo tsa puo Ho tshehetsa ntshetsopele ya tlhompho bakeng sa ditokelo tsa puo tsa baahi jwaloka ha di kentswe ka hloko Molaotheong.
Tekano ya puo Ho netefatsa tshwaro e lekanang ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Tharollo Ho ntlafatsa maemo le karolo e bapalwang ke dipuo tse neng di hatelletswe mehleng ya pele.
Ho shebana le ditlhoko tsa batho Ho shebana le ditlhoko, ditabatabelo le ditakatso tsa ditjhaba tsa puo e itseng ka moya wa Batho Pele.
Dikgwebisano Ho sebedisana mmoho le mekgatlo ya puo ya setjhaba le ya poraevete ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle.
Puso e loketseng/ntle Ho sebedisa dipuo kaofela tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse ho netefatsa puso ya selehae e bonaletsang, e arabellang ditlhoko tsa puo tsa maloko a yona.
Ho nka karolo Ho etsa hore basebeletsi ba lekgotla la motse, hammoho le baahi ba Tshwane ba kgone ho nka karolo ditsweletsong tsa ho etsa diqeto.
Molao ona o sebetsa ho basebeletsi ba Lekgotla la Motse le baahi ba Tshwane hammoho le ho kopo efe kapa efe ho Lekgotla la Motse ka tshebediso ya puo le ditshebetso tsa puo.
Ho fumana dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, Dipalo tsa Palo ya Batho ya 2001 le dipehelo ka dipatlisiso tsa ka ntle le ka hare di ile tsa sebediswa.
Tafole e latelang, e nkilweng Palong ya Batho ya 2001, e fana ka pontsho ya ho nama ha dipuo tsa lapeng ka hare ho Tshwane.
Palo ya batho ya 2001 ka lekgotla la motse: Pehelo ya Komiti ya Dipalopalo ho Lekgotla la Afrika Borwa la Dipalopalo ka Palo ya batho ya 2001e hlahisitswe hape ho http://www.statssa.gov.
Profaele ya puo ya lapeng ya Tshwane e bontsha hore puo ya lapeng e sebediswang ho feta ke Sepedi (Sesotho sa Leboya), se latelwe ke Seburu, Setswana, Setsonga, Sezulu le Sekgowa. Ho hlakile hore ha ho na puo ya lapeng e le nngwe e hatellang tse ding Tshwane, empa maemo a tshebediso ya dipuo tsohle ao dipuo tsena tse tsheletseng di arabella 84,68% ya baahi.
Ho raleng ha molao wa puo wa Lekgotla la Motse, tshebediso ya puo, ditlhoko le dikgetho tsa setjhaba sa Gauteng le tsona di ile tsa nkelwa hlohong. Tlhahisoleseding ya Gauteng e fumanwe diphethong tsa hlahlobo ya puo le kgokahano ya provense ya 2004 e kentsweng/hatisitsweng ho Towards a Functional and Cost-effective Language Policy bakeng sa Gauteng. Hlahlobo e entswe ke Mokgatlo wa Sarah Slabbert bakeng sa Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setso le Boithabiso la Gauteng. Hlahlobo e bontshitse hore basebeletsi ba bangata ba mmuso dibakeng tsa ho fana ka tshebeletso ba kgona ho buisana le setjhaba ka dipuo tse ngata ho feta Sekgowa le Seburu feela. Hlahlobo e bontshitse le hore bongata ba setjhaba kapa bareki/basebeletswa ba kgetha ho sebedisa dipuo tsa selehae ho fumana ditshebeletso tsa mmuso.
Diphetho tsa hlahlobo di totobatsa tlhoko ya bohlokwa bakeng sa ditshebeletso tsa phetolelo le ho toloka ho netefatsa hore basebeletswa ba thuswa ka dipuo tsa bona tsa lapeng.
Lekgotla la Motse le tlameha le ho etsa matsapa a mang le a mang ho sebedisa dipuo tse ding tsa semmuso tsa Riphabliki ya Afrika Borwa, ho kenyeletsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho na le kopo. Lekgotla la Motse le tlameha, ho feta moo, ho fana ka ditokomane tsa Braille bakeng sa ketsahalo e itseng ya kgokahano moo ho tshwanelehang.
Le ha ho le jwalo, ho tlameha ho elellwa hore dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse di tla shejwa hape ho ipapisitswe le diphetho tsa hlahlobo kapa dipatlisiso tsa puo le kgokahano ya Tshwane ka bophara tse tlang ho etswa nakong e tlang.
Puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa dikgokahanong tse buuwang ka hare ho lefapha le mafapheng a mang, ha feela e le hore bohle ba leng ketsahalong ya kgokahano ba utlwisisa (di)puo e buuwang.
Sekgowa se kgothaletswa e le puo e sebetsang kgokahanong e buuwang ka hare ho lefapha le mafapheng a mang. Puo e nngwe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa, ha feela e utlwisiswa ke maloko oohle a leng ketsahalong ya kgokahano.
Puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa dingangisanong dife kapa dife kapa ditsamaisong tsa Lekgotla. Kahoo Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka tshebeletso ya ho toloka hong le sebui ho tswa le ho ya dipuong tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Ka kakaretso, dikopano tsa kgalemo, dipuisano tsa kopo ya mosebetsi le ditekolo tsa katleho mosebetsing ka hare ho Lekgotla la Motse di tla etswa ka Sekgowa, ha feela e le hore ditshebeletso tsa phetolelo le ho toloka di a tholahala bakeng sa bao ba sa kgoneng ho bua kapa ho utlwisisa Sekgowa.
Lekgotla la Motse le tlameha, kgokahanong ya lona e buuwang, ho etsa ka hohle hore le thuse basebeletswa ba lona kaofela ka puo ya kgetho ya bona.
Ha basebetsi ba sa fumanehe sebakeng sa tlhokomelo ya basebeletswa, sebakeng sa tefo, tlliniking kapa sebakeng se seng sa setjhaba sa Lekgotla la Motse ho thusa basebeletswa ka ho bua ka puo ya kgetho ya bona, ditoloko tsa kgokahano di tlameha ho sebediswa ho ba thusa. Moo ho hlokahalang, matsapa a mang le a mang a tlameha ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho toloka (ho latelanang, ho toloka hong le sebui, mohala le ho sebela) moo ho tshwanelehang.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano haeba tlhahisoleseding kapa mokgwa o bohlokwa o tshwanela ho fetisetswa ho dihlopha kapa baahi ba dipuo tsohle ka molomo diketsahalong tsa setjhaba tse hlophisitsweng ke Lekgotla la Motse, mohl.diindaba kapa dipitso tsa maphelo tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano.
Ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebetso e kgabane, Sekgowa se tlameha ho ba puo ya tshebetso ya Lekgotla la Motse, mme diphetolelo ka dipuo tse ding tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse di tla fumantshwa ha di kotjwa.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditshebeletso tsa phetolelo ha ho na le kopo bakeng sa kgokahano eo ho ngollanwang ka yona ka hare ho lefapha le mafapheng a ka ntle.
Ditshebeletso tsa phetolelo di tlameha ho fumantshwa ha ho na le kopo ho fetolela tshisinyo e hlahiswang dikopanong tsa Lekgotla ho puo efe kapa efe ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano tse sebedisang dipuo tsohle ho tswa hara basebetsi ba lona ho thusa basebetsi ba sa balang ho fumana tlhahisoleseding ho lekgotla la motse. Kgokahano ya ho toloka e tlameha ho bonwa e le mokgwa wa ho tshehetsa kgokahano e ngotsweng.
Le ha ho se mosebeletsi wa Lekgotla la Motse ya ka thibelwang ho sebedisa puo ya semmuso ya kgetho ya hae ka nako efe kapa efe, ditokomane tsohle tsa lekgotla la motse tse hlokang ho bolokwa di tlameha, bakeng sa mabaka a tsamaiso e sebedisehang, ho fumaneha ka puo ya mantlha/sethato mme Sekgowa e le puo ya ho boloka.
Tshebediso ya puo e bolata ditokomaneng tsa ka hare tsa lekgotla la motse e tlameha ho kgothaletswa ho bebofatsa kutlwisiso le ho ntlafatsa kgokahano..
Ditsebiso tsohle tsa semmuso, dipolelo, ditefo, melao ya bobedi, ditsamaiso, melao, dipapatso, jj, tse ntshitsweng kapa tse phatlaladitsweng ke lekgotla la Motse bakeng sa tshebediso ya setjhaba di tlameha ho fumantshwa ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, moo ho tshwanelehang ebile ho e na le kgonahalang ya tsa ditjhelete.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano tse sebedisang dipuo tsohle ho tswa basebetsing ba lona e le mokgwa wa ho eketsa kgokahano e ngotsweng le ho thusa basebeletswa ba sa balang ho fumana ditshebeletso tsa lekgotla la motse le tlhahisoleseding. Ditoloko tsa kgokahano di tlameha ho sebedisetswa ho hokahanya ho toloka dibakeng tsa tlhokomelo ya bareki, dibakeng tsa ho lefa, ditlliniking kapa dibakeng tse ding tsa setjhaba tsa Lekgotla la Motse haeba basebetsi ba dipuo tsohle ba sa fumanehe bakeng sa morero ona.
Lekgotla la Motse le tlameha ho etsa matsapa a mang le a mang ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle websaeteng ya yona le diphatlalatsong tsa yona tsa ka ntle ka ho sebedisa dipuo kaofela tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Mangolo kaofela a ka ntle a Lekgotla la Motse a tlameha ho fetolelwa puong ya semmuso eo kgokahano ya mantlha/sethato e fumanweng ka yona, ha feela e le hore phetolelo ya tokomane ka Sekgowa e bolokilwe bakeng sa mabaka a poloko ya lekgotla la motse le ditsamaiso tse ka hlahang tsa molao. Lekgotla la Motse le tlameha ho tsebisa moreki/mosebeletswa hore sengolwa sa Sekgowa se tla sebediswa ditsamaisong tsa molao.
Ditokomane kaofela tsa ka ntle tsa Lekgotla la Motse (haholo mangolo) di tlameha ho ba le polelo qetellong ya leqephe e bolelang hore tokomane e ka fumaneha ka e nngwe le e nngwe ya dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa, mme tokomane ya tsebiso ya Lekgotla la Motse e tlameha ho totobatsa sena e le tlhoko..
Ditokomane kaofela tsa Lekgotla la Motse tse hlokang ho bolokwa di tlameha, bakeng sa mabaka a tsamaiso.e sebedisehang, ho fumaneha ka Sekgowa jwalo ka puo ya poloko.
Sekgowa se tlameha ho sebediswa ke Lekgotla la Motse bakeng sa kgokahano ya matjhaba, empa Lekgotla la Motse le tlameha ho etsa hore ditshebeletso tsa phetolelo di fumanehe bakeng sa kgokahano ya tshohanyetso ka puo e kgethwang ke naha eo.
Tshebediso ya puo e bolata ditokomaneng tsa lekgotla la motse tsa ka ntle e tlameha ho kgothaletswa ho bebofatsa kutlwisiso le ho ntshetsa kgokahano pele..
Lekgotla la Motse le tlameha ho shebisisa dikgetho tsa puo tsa ditjhaba tse lehae ha le etsa matshwao a tsela le mtshwao a tshupo a lehae. Matshwao a tsebiso kaofela, matshwao a tshupiso ya tsela le matshwao a tsela a bolelang ka meaho ya lekgotla la motse, ditshebeletso, disebediswa, disebediswa tsa kaho le dikoloi di tlameha ho ba ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse moo ho kgonahalang. Moo sena se sa kgonahaleng ka thibelo ya tsa ditjhelete, molao wa tshebediso ya dipuo tse pedi (Sekgowa le puo e nngwe ya semmuso ya Lekgotla la Motse) o ka amohelwa, ha feela Sekgowa ke puo e nngwe mme e nngwe ke puo e sebediswang haholo ya sebaka se itseng.
Lekgotla la Motse le tlameha, ha ho na le kopo le moo ho tshwanelehang, ho fana ka ditlhoko tsa batho ba nang le bofokodi puong.
Puo e sebediswang bakeng sa kwetliso ya lekgotla la motse e tla ba Sekgowa, ha feela e le hore molawana wa tshebediso ya dipuo tsohle o a sebediswa moo ho tshwanelehang. Motho ya fanang ka kwetliso a ka, ho fana ka mohlala, sebedisa efe kapa efe ya dipuo tse ding tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso, ho ya ka tshebediso ya puo le dikgetho tsa baithuti maemong oohle, ho tlameha ho shebisisa sephetho se lebelletsweng, k.h.r kwetliso e kgabane.
Karolo ya puo ya molomo ya lenaneo lefe kapa lefe.la lekgotla la moste kapa ketsahalo ya morero o itseng e lebisitsweng ntlafatsong ya bophelo ba basebeletsi e tlameha ho etswa ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, mohl.
Ho thusa setjhaba ka bokgabane, basebeletsi ba Lekgotla la Motse ba tlameha ho kgothaletswa ho ithuta, ka mokgwa o hlophisitsweng, dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse tseo ba sa di tsebeng, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa.
Lekgotla la Motse le tlameha ho hlophisa mananeo a kwetliso le dithuto tsa boikgopotso bakeng sa basebeletsi ba lona ho thusa ntshetsopeleng ya bokgoni ba bona ho sebediseng dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, hore ba kgone ho fana ka tshebeletso e kgabane ho ditjhaba.
Ditshebeletso tsa phetolelo di tlameha ho fumantshwa ho fetolela kwetliso ya ka hare le disebediswa tsa dithuto ho puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse ka kopo ya ba kwetliswang.
Ho ntlafatsa phumantsho ya kwetliso le ho ntlafatsa kgokahano pakeng tsa ba kwetliswang le bakwetlisi, bakwetlisi le baradi ba thuto ba tlameha ho kgothaletswa ho sebedisa puo e bolata dibukeng tsa bona tsa kwetliso.
Mokgwa wa ho kenya butle o tla amohelwa ho kenya molao ona tshebetsong ka katleho, ho elwa hloko kameho ya ditjhelete le disebediswa tsa botho. Mokgwa ona o tla netefatsa hore ho na le nako e lekaneng ho aha bokgoni ho kenya tsweletso ka botlalo tshebetsong. Lebaka le leng bakeng sa mokgwa ona ke ho etsa sebaka bakeng sa ho hlahloba le ho lebela molao. Sena se tla thusa ho netefatsa hore ho kenngwa tshebetsong ha molao ho hlahlojwa kgafetsa le hore matsapa a ho lokisa a nkwa ka dikgefutso tse behetsweng.
Lekgotla la Motse le tlameha ho thea sehlopha sa ditoloko ho fana ka kgonahalo ya tshebediseho ya dipuo tsohle.
Ditokomane tsa tlhahisoleseding di tlameha ho fetolelwa ho dipuo tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho qapa mareo a tlang ho thusa ho ntshetsa dipuo tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso pele.
Komiti ya Ramotse le dipehelo tsa Lekgotla di tlameha ho lokiswa diphoso ho netefatsa hore puo e tshwanetseng e sebedisitswe ditokomaneng tsena.
Kwetliso dipuong tsohle tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso e tlameha ho fuwa basebeletsi ba e hlokang bakeng sa ho fana ka tshebeletso e kgabane ho ditjhaba tse fapaneng tsa puo.
Projeke ya teko ya TIISA e tla nkwa e le tsela ya ho bebofatsa tsamaiso ya kgokahano ditlliniking le dibakeng tse itseng tsa tlhokomelo ya bareki Lekgotleng la Motse.
Ho kenngwa tshebetsong ha molao ona ho tla tlisa nyollo/keketseho tlhokong ya phetolelo, tokisong ya diphoso, ntshetsopeleng ya mareo le ditshebeletsong tsa ho toloka dipuong tse nne tsa semmuso tsa Batho Batsho tsa Lekgotla la Motse.
Ka matsapa a ho aha bokgoni bakeng sa ditshebeletso tsa puo tsa lekgotla la motse, Lekgotla la Motse le tlameha, ho ipapisitswe le molao wa lona wa ho fana/kadimana ka tjhelete ya dithuto, ho fana/kadima baithuti tjhelete ya dithuto ho ithuta puo e le nngwe kapa ho feta dipuong tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse boemong ba thuto e phahameng.
Ho fana ka bokgabane tshebedisong ya dipuo tsohle, lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano, mme le tlameha ho fana ka menyetla ya kwetliso bakeng sa ditoloko tsa kgokahano tsa lefapha, mohl. dithuto tse kgutshwanyane ka kgokahano ya ho toloka.
Molao ona o tla kenngwa tshebetsong ka tshebedisano mmoho ya barati ba fapaneng ba puo.
etsa pehelo ho mekgatlo e tshwanetseng e laolang puo e selemo le selemo, mohl. Seboka sa Puo sa Setjhaba le PanSALB, ka tswelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha molao; le phahamisa kelohloko ho basebeletsi ba lekgotla la motse le baahi ka karolo e bapalwang ke PanSALB jwalo ka lepolesa la semmuso le motshireletsi wa ditokelo tsa bona tsa puo, le ho dihloho tsa mafapha le tsa dikarolo, ka tlhokeho ya ho phema tshebediso ya puo e le nngwe ka ho fokodisa tshebediso ya puo e nngwe ya semmuso mme ka hoo ho tlisa ho sa hlomphe ditokelo tsa puo tsa basebeletsi le baahi.
ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle Tshwane; le tshebediso e kgabane ya disebediswa tsa puo tsa Lekgotla la Motse.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho sebedisa sephetho sa dihlahlobo ho hlahloba le ho ntjhafatsa molao.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho hlahloba ho kenngwa tshebetsong ha molao kgafetsa le ho kenya diphetoho tse hlokehang.
<fn>NEWSOTHO.txt</fn>
Ka kgwedi ya Mmesa le ile la vouta ka bongata le voutela kopano ya setjhaba le poelano. Le voutetse ka ho kopana tumellano ya batho, hore ho thehwe mesebetsi ha mmoho, ho lwantswe bofuma le ho theha bophelo bo botle ba batho kaofela.
Ka bongata bo boholo le totobaditse hore le na le tshepo e matla mmusong wa rona mme ha e le mona re simolla Dilemo tse ding tse leshome tsa Tokoloho kgetlo la bobedi, ke mmuso ona o tla le etella pele, ke ona oo le ka o tshepang hore o tla le hlokomela hantle nakong e tlang.
Ka selemo sa 2014 re tla fokotsa bofuma ka halofo ka ntshetsopele ya moruo, tshireletso e batsi ya setjhaba, ntlafatso ya naha le ya malapa ha mmoho le theepa ya batho. Re tla fokotsa le tlhokeho ya mosebetsi ka halofo ka ho theha mesebetsi e metjha, ntshetsopele ya mahlale a boiphediso, thuso ya dikgwebo tse nyenyane, menyetla ya ho itshebetsa le mekgwa ya boiphediso ba batho e tla sebetsa ka dinako tsohle ka ho nehelana ka mahlale a hlokehang a moruo, re thehe bokgoni le ho fana ka mehlodi e hlokehang setjhabeng kaofela ho kgothaletsa batho ho iketsetsa mesebetsi ka mokgwa wa thuto.
basadi le batho ba hlokang mesebetsi le ka ho tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha dintlheng tse hlwauweng ke Kabinete ya Naha.
Ka selekane le Mmuso wa Selehae (Local Government), Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba (Public Works Programme) re tla kgothaletsa moruo wa selehae ka Thuso ya Mmasepala ya Tlhekelo (Municipal Infrastructure Grant) ka ho kopanya mesebetsi ya Mawa a di-IDP le LED a bommasepala, mme ka ho etsa jwalo re nehelane ka ditshebeletso tsa boleng bo ne ka ditshebeletso tsa boleng bo hodimo tsa mantlha.
Thakgola Morero wa Matlo Dibakeng tseo eseng tsa diteropo (Rural Housing Plan) o tla fana ka matlo a metseng ena a sekete (1 000) karolong ya ntlha ya Thabo Mofutsanyana le Thaba Nchu.
Phethahatsa ya Morero wa Ntjhafatso ya metse ya Diteropo (Urban Renewal Plan) Mangaung le Sasolburg.
Etsa hore ho be le Mekgatlo ya setjhaba eo eseng ya mmuso e thehuweng ka batho ba tswang setjhabeng e tla kenela Ward Communities ho netefatsa hore tumellano ya setjhaba ya twantsho ya bofuma le tlhokeho ya mosebetsi e sebetsa hantle.
Lekola maano a rona a batho ba kojwana di mahetleng, mekgwa ya ho tsepamisa makgetho (billing) le taolo ya melato ho tiisa hore ba hlokang bokgoni ba ho lefella ditshebeletso ba behellwa ka thoko ka mokgwa o lokelang. Komiti ya Phethahatso (Exco Committee) e tla nehelana ka pehelo ho Lekgotla la Phethahatso (Executive Council) mabapi le phethiso ya mosebetsi ona o potlakileng nakong ya dikgwedi tse tharo.
Lekanya, le ho akofisa, bonamo le tshebetso e hlwahlwa ya phano ya ditshebeletso tsa mantlha, tsa boleng le mahala provenseng.
Re lokela ho netefatsa hore batho kaofela ba Freistata ho kenyeleditswe ka tsela e ikgethang batho ba kojwana di mahetleng le ba pepesehileng mathateng ba jwalo ka - bana, batjha, basadi, le maqheku, ha mmoho le batho ba holofetseng ba kgona ho sebedisa ditokelo tsa bona tsa molao wa motheo le ho fumana seriti se phethahetseng tsa tokolo.
Mokgatlo wa tsoseletso ya Boitshwaro (Moral Regeneration Movement) o tla matlafatswa mona provenseng ena ho netefatsa hore o matlafatsa batho hore ba ikakgele ka setotswana tumellanong ya setjhaba ya ho bopa setjhaba se tsotellang le se tsepamisitseng maikutlo bathong.
Re tla netefatsa hore basadi le bana ba sireleditswe tlhekefetsong le tlontlollong tsa mefuta yohle.
Re tla potlakisa thupelo ya bo-Mme ba hlokomelang bana le ba nkileng bana ba hlokang batswadi ho netefatsa hore re fana ka tlhokomelo ya batjha le bana ba rona.
Selemong sena sa ditjhelete re tla etsa monyetla wa dipalangwang tse tla tsamaisa bana ba tsamayang bohole ba dikhilomitara tse 21 ho leba sekolong, le ho atolosa lenaneo la dihostele tse tla fana ka bodulo baneng ba palo e kgolwanyane.
Ho kenngwa tshebetsong Lenaneo le batsi la Phepo Dikolong (School Nutrition Programme) ho netefatsa hore bana ba sekolo bonyane ba tla fumana dijo hang ka letsatsi.
Ho tla kenngwa le tsela ya thuso ka yunifomo ya dikolo le dieta baneng ba hlokang. Morero ona o tla tlisa kuno Dikgwebong tse Nyenyane le Bohareng (Small and Medium Entrepreneurs) jwalo ka karolo ya lenaneo la rona la Matlafatso ya Moruo wa Batho ba Batsho (Black Economic Empowerment programme).
Ho tla lekolwa hape taba ya tefello tsa sekolo bakeng sa bana ba hlokang. Re tlalmehile hore re fe bana monyetla wa ho kena sekolo le ha batswadi ba hloka mesebetsi mme ba sa kgone ho iketsetsa letho.
Re tla matlafatsa dibaka tse 4 tse seng di le teng tsa thupelo e tswelang pele (Further Education and Training) FET ka morero wa ho rarolla bothata bo teng ba ho fana ka mahlale a hlokwang ke mmaraka wa basebetsi.
Ntlafatso ya Mananeo a Boithuto (Learnerships Programmes) ke ho batla ho fana ka mahlale a hlokehang haholo ho batho ba hlokang mosebetsi le batjha ka ho qoholleha hore ba fetohe karolo ya ntshetsopele ya moruo o moholo wa NAHA. Mekutu ena ya boithuto kaofela, ha mmoho le Lenaneo le Batsi la Mesebetsi ya Setjhaba (Expanded Public Works Programme) e tla nehelana ka mehlodi e hlokehang ho atolosa menyetla ya moruo wa batjha, basadi, le batho ba hlokang mosebetsi.
Ho tla etswa sesiu sa pokello ya mahlale a batho ba qetileng dithuto makaleng a fapafapaneng.
Ka selekane le balekane kaofela ba setjhaba, ba tswang lekaleng la poraevete, institjusheneng tsa setjhaba tsa baahi, re ka kgona ho bopa selekane se sebetsang ho theha mosebetsi le ho lwantsha bofuma Freistata.
Ho fihlela sena, re tla buisana le baamehi ka matla kaofela hore ba kenye letsoho ntshetsopeleng ya lenaneo la tshebetso le mmuso wa provense. Jwalo ka Mmuso wa Provense ya Freistata re itlama hore re tla phethisa seabo sa rona ho sebedisana le setjhaba le balekane ba bang, re tla phethisa seabo sa rona sa ho dula re itlhomme pele Tumellanong le Batho ho bona hore ho na le Moafrika Borwa ya ntlafetseng dilemong tse ding tse leshome tse tlang.
Mmuso wa Freistata o tsotella batho ba ona. Sa rona ke provense e tsotellang.
Tshebeletso ya Mmuso o nang le Kutlwelobohloko bathong boemong ba naha, ba provense le bathong ba selehae, ke wa bohlokwa haholo. Baemedi ba setjhaba ba lokela hore ba fihlelehe ka tsela e bonolo, mme baahi ba tsebe ditokelo tsa bona. Ho fihlela maikemisetso a ho fedisa bofuma le tlhokeho ya mesebetsi, re hloka tshebetso e hlwahlwa ya basebeletsiba setjhaba ba nang le boitelo, bokgoni ba ho finyeletsatshebeletso ya boleng bathong ba provense ena.
Re tla fothola ka metso bobodu le bomenemene.
Lefapha la Premier le tla hlophisa mokgwa wa bohokedi okgonang le o sebetsang ka bokgabane bohareng ba mmuso.
Le nehelane ka kgokahano e nang le bokgoni, tlhatlhobo le tlhokomelo ya katleho ya phethahatsoya leano le mananeo a mmuso.
Le fane ka pehelo kgafetsa setjhabeng le hobaamehi mabapi le mekutu e etswang ke mmusoya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Phethiso e sebetsang hantle ya diqeto tsa mmusole tsa Lekgotla la Phethahatso.
Mosebetsi ona o potlakile, haholoholo hore mmuso o be le mokgwa wa temoso e tlang esale ka nakoe tla bontsha dikgaello dife kapa dife tse tengphethahatsong ya lenaneo la rona.
Ho tlabola dilekane tsa Tumellano le Batho ho Theha Mesebetsi le ho lwantsha Bofuma.
Mmuso o tla hloka ho tiisa hore batho ba bangata ba kgona ho fumana menyetla ya moruo hobane mmuso o kgothaletsa hore ditjhelete tsa setjhaba di tsetelwe mererong ya mesebetsi e boima.
Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Mebila le Dipalangwang ha mmoho le Mmuso wa Selehae le Matlo a tla nehelana ka dintlha tse batsi mabapi le ho tsetela ha mmoho le ntshetsopele ya tlhekelo ya motheo ekasitana le Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (Expanded Public works Programme).
Re thabetse hore Afrika Borwa e tla amohela baeti ba tlileng papading ya Mohope wa Fifa wa Bolo ya Lefatshe ka 2010. Ho pepeneneng, hore nako ya Afrika e fihlile jwale.
Ha ho qeaqeo hore 2010 e tlisa menyetla ya metonanahadi ya moruo Matlafatsong ya Moruo wa Batho ba Batsho o pharaletseng indastring ya bohahlaudi.
Mmuso wa Provense, selekaneng sa ona le Puso ya Selehae ha mmoho le Dikgwebo tsa Poraefete, o tla netefatsa hore melemo ya Mohope wa Bolo ya Lefatshe ka 2010 e fumaneha ka ho phethahala le ho tiisa hore Matlafatso e pharaletseng ya Moruo wa Batho ba Batsho e fola molemo Mohopeng wa Bolo ya Lefatshe ho la Freyistata.
Fuputsa menyetla ya Moruo ya beng ba dihlahiswa tsa bohahlaudi.
Hlahloba tshusumetso ya menyetla ya matsete bohahlauding jwalo ka kaletsa ya moruo.
Fana ka keletso matseteng a tlhekelo le ntshetsopele ya motheo, marangrang a ditsela tse tshepahalang le tse bolokehileng kahare ho provense.
Mmuso wa Freistata o tla theha Bolaodi ba Bohahlaudi ba Freistata (Free State Tourism Authority) kgweding ya Loetse e le ho tiisa hore ho na le letsholo le sebetsang hantle la ho bapatsa provense ena jwalo ka kgohedi ya bahahlaudi.
Keketso ya dihlahiswa tse seng di sebeditswe tse romelwang kantle tsa temo le yona ke ya bohlokwa, ha mmoho le tshireletso ya borapolasi provenseng ena kaofela.
Ho tla behellwa ka pele ntlafatso ya maemo a bophelo a basebetsi ba mapolasing. Re tla behella ka pele ditherisano tsa rona le balekane ba rona lehlakoreng lena, boramesebetsi le baetapele ba basebetsi hore ho rarollwe taba ena e potlakileng haholo.
Lefapha la Temo ha nako e ntse e tsamaya, le tla phatlalatsa lenaneo la ho netefatsa hore bohle ba kgona ho finyella le ho fola molemo Mokgweng wa Kadimo wa Temo (Agricultural Credit System) jwalo ka ha o ile wa phatlalatswa ke Presidente nakong eo a neng a etsa Puo ya Semmuso e lebang Setjhabeng.
Phephetso eo re tjamelaneng le yona ho tsa bophelo bo botle ke taba ya ho fana ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mantlha le ho atolosa menyetla ya hore batho kaofela ba kgone ho fumana bophelo bo botle ba boleng. Ena ke phephetso e tswellang ya bophelo ba rona kaofela.
Jwalo ka mmuso, re a tlameha ho fana ka tlhokomelo ya mahala ya bophelo bo botle ba mantlha ho bana le ho maqheku. Batho ba dulang dibakeng tseo eseng tsa diteropo tsa provense ya rona, basebetsi ba mapolasi, batho ba hlokang mosebetsi ba lokela ho fola molemo mokgweng o tshepahalang le o kgonang ho fihleleha wa bophelo bo botle.
Re tla phatlalatsa Morero wa Ntshetsopele ya Bophelo bo botle wa Provense. Ona ke morero o tla tiisa hore re lwantsha mekgwa ya bophelo bo thibelehang ya mahloko a kang TB, malaria, diabetes, Blood Pressure (hypertension) le asthma. Ntshetsopele ya rona ya Bophelo bo Botle e tla netefatsa hore re tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha thibelong le thutong ya mokgwa wa bophelo ya mahloko thibelehang.
Re tla etsa hore lenaneo la rona la ARV le finyelle setereke se seng le se seng sa provense. Ho tla ba le sebaka seterekeng se seng le se seng. Sello sa mokudi wa pele se ile sa arabelwa ka la 15 Phupjane 2004 Sepetleleng sa Bongani motseng wa Welkom mme mafelong a selemo sena sa khalendara morero ona o tla finyeletswa sebakeng se seng le se seng sa setereke ka nngwe.
<fn>Ntlwana ya Mekoti e Mmedi ya Kenomoya e Ntlafaditsweng (Ventilation Improved Double Pit Toilet - VIDP) Ntlwana ya Mokoti ya Keno.txt</fn>
Metheo ya tshebetso e a tshwana le ya ntlwana ya VIP. Ho sebediswa mokoti o le mong mme o tlatswe ho fihla ho halofo ya mitara ho bokahodimo. Mekoti ya ho ithoma le ya kenomoya e ba e kwalwa ka botlalo mme ho sebediswa mokoti o mong. Dikahare tsa mokoti wa pele di a epollwa ka mora nako e ka bang dilemo tse pedi bonyane, ha di se di se kotsi haholo. Tjhelete ya thekiso: R2 500-R4 500 ho itshetlehilwe ho se kengwang ke monga lelapa.
R35-R135 dilemo tse ding le tse ding tse pedi ho itshetlehile ka seabo sa mmuso wa masepala, maikemisetso a monga lelapa a ho tshwarahana le tsa mantle, dikgetho tsa ho qhalwa.
Mantle a wela mokoting moo tse bolang di bolang teng mme mekedikedi e monyela mobung o ka thoko. Phallo e tswelang pele ya moya ka marulelo le ka peipi ya kenyomoya e tebela maphoka mme e lokolla dikgase ho tswa mme di kene sepakapakeng. Ka ho boloka bokahare bo le lefifi, dikokonyana tse kenang mokoting di hohelwa ke kganya e pheletsong ya peipi ya kenyomoya mme di tshwaswa ke sesireletsi kgahlanong le dintsintsi.
Tjhelete ya thekiso: e ka fapana ho tloha ho R600-R3 000, ho itshetlehilwe ho se kengwang ke monga lelapa le kgetho ya disebediswa.
R60 haeba e qhalwa hang ka mora dilemo tse 5.
Tshila e kena tjhembareng mme dintho tse ommeng tse bolang tse monyang tse jwalo ka patsi, molora, jwang bo ommeng kapa meroho, di a kenyeletswa ka mora tshebediso e nngwe le e nngwe ho nkgisa mantle a bolang monate mmoho/kapa le ho laola mongobo le ho nolofatsa tshilo (ho etswa ha moitedi).
tankana se lokisitsweng ka ho ikgethang; sena se ka bokellwa le ho sebediswa jwalo ka manyoro.
Mekgweng ya komiso, kenomoya e kgothaletsa ho hwama ha mongobo. Tjhelete ya thekiso e fapanang ho itshetlehile ka mokgwa o sebediswang mmoho le seo monga lelapa a se kenyang: R3 000-R4 000 bakeng sa mekgwa ya kgwebo. Ditjeo tsa tshebetso: R35-R500 ho itshetlehile ka seabo sa mmuso wa masepala le ho ikemisetsa ha monga lelapa ho tshwarahana le tsa mantle, le mekgwa ya ho qhala.
Ka mora ho ithoma lepane le hloka ho hulelwa ka dilitere tse mmalwa tsa metsi, mme metsi a setseng lepaneng a etsa sesireletsi kgahlanong le lephoka, dintsintsi le menwang.
mme e ka nyoloha ha mobu e le o sa lokelang didreine.
R300, ka selemo moo ho nang le didreine mobung o ka tlase.
Ntlwana ya metsi e hloka hore e tshelwe metsi ho boloka botlase ba selomo bo kwahetswe ke metsi.
Pokello ya mantle e ka fapana ho tloha setshelo se kwetsweng ho ya ho mokgwa wa pokello ya dithata mmoho le wa monyediso ya tshila.
R3 500, mme sena se ka nyoloha haeba mobu ha o a lokela didreine hantle.
R300 ka selemo moo dreine ya mobu o ka tlase e leng teng.
Mantle ho tswa ntlwaneng, mme ka kakaretso le metsi a ditshila a ka lapeng di hulelwa ho kena tjhembareng ya tshilo moo di dulang bonyane dihora tse 24 ho dumella hore di sebetswe le ho silwa hantle. Mekedikedi e sebeditsweng hanyenyane e ba e se e feta ho tswa tankeng mme e kene mokgweng wa dreine e mobung o ka tlase/mokgweng wa monyediso. Seretse se sitsweng se bokelleha butle-butle tankeng mme se hloka hore kgabahareng se tloswe ke tankara. Tjhelete ya thekiso: R7 000-R8 500. Ditjeo tsa tshebetso: R200-R450 ho itshetlehile hore ho qhalwa kgafetsa ho le hokae.
Jwalo ka tanka ya dikgwerekgwere le monyediso ya mantle, ntle feela le ntlha ya hore tshila e mokedikedi e thothwa ka mokgwa wa dipeipi tsa botenya bo bonyenyane ho leba ntlheng e tshwanang ya tshebetso ya tshila e ka nnang ya ba setsha sa tshebetso ya tshila se seng sebakeng seo se fihlellwang ka thothomantle e teng ha jwale kapa ka tankara. Tjhelete ya thekiso: e sedikadikweng seo ho fanweng ka sona sa ditheko tsa tanka ya dikgwerekgwere le mokgwa wa monyediso ya mantle, haeba tanka ya dikgwerekgwere e se e le teng, ho seng jwalo tjhelete ya thekiso e ba e hodingwana.
Mantle a hulelwa tankeng moo a bolokwang a kgaohantswe le tikoloho e potapotileng pele a tloswa ka tankara bakeng sa ho lo sebetswa. Ditjeo di itshetleha ka boholo le hore ho qhalwa kgafetsa ho le hokae. Tjhelete ya thekiso: E qala ho R2 000-R5000 ho itshetlehile ka moaho o ka hodimo le boholo ba tanka. Ditjeo tsa tshebetso: R550 lelapa ka leng ka selemo (ho itshetlehile ka ditjeo tsa ho qhala tse etsang R181 tanka ka nngwe), ha ho nkuwa hore tanka e qhalwa ka palohare etsang makgetlo a 3 ka selemo.
Mantle ho tswa ntlwaneng, mohlomong le metsi a ditshila a lapeng, empa ka mothamo o tlase haholo ho wa thothomantle e tlwaelehileng, di hulelwa mokgweng wa thothomantle o sebakeng sona seo, mme butle-butle di hoholelwa setsheng sa tshebetso e keneletseng ya tshila kapa ho sethothamantle sa mmileng mme di fete ho leba setsheng se seholo sa tshebetso ya tshila. R2 500-R3 000. Ditjeo tsa tshebetso: R300-R450, ho itshetlehile ka se tlang ho kengwa ke monga lelapa.
Mantle a tswang ntlwaneng mohlomong le metsi a ditshila a ka lapeng a hulelwa ka tshebediso ya mothamo o bonahalang wa metsi ho kena mokgweng wa thothomantle, hore a tloswe ho lebiswa setsheng sa ho a sebetsa, mme tsona ho na le mefuta e sehlotshwana ya tsona, e sebetsang tshila maemong a hodimo pele e lokollelwa tikolohong e nang le metsi. Tjhelete ya thekiso: R6 000-R7 000, ho elwa hloko ditjeo tsa boholo ba mothamo le tsa sethothamantle. Ditjeo tsa tshebetso: R400-R800 ka selemo.
Ke hobaneng dikgetho tsena di sa kgothaletswe?
<fn>Paja booklet A5 Sesotho-sm.txt</fn>
Molao wa Ntshetsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke eng?
Ketso ya botsamaisi ke eng?
"Mehato e lokileng" ke efe eo batsamaisi ba tlamehang ho e latela?
Ke tlameha ho lebella eng ha ke etsa kopo ya ho itseng?
Nka kopa mabaka neng?
Ke mabaka afe ao ho tlang ho fanwa ka oona?
Nka lebella ho fumana mabaka neng?
Na mabaka a ka fanwa ka molomo?
Ho tla etsahala eng ha e le hore ke ntse ke so kgotsofale?
Na ho na le ditharollo tse ding?
Ke ka lebaka la eng batho ba tshwanetse ho tsebiswa ka PAJA?
Batho ba rata ho tseba eng?
Ho ka ba jwang ha ho ka kwetliswa maloko a tsamaiso?
Hobane e etsa hore tsamaiso e be boikarabelong ba batho bakeng sa diketsahalo tsa yona, Molao wa Ntshetsotsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke molao o bohlokwa haholo ho netefatsa hore demokrasi ya Afrika Borwa e hola ho tswela pele. Mmoho le Molaotheo (haholo Karolo ya 33 - tokelo ya ketsahalo ya botsamaisi e lokileng) le Melawana ya Batho Pele, PAJA e bopa karolo ya mokgwa o motjha, o ikemiseditseng ho netefatsa tsamaiso e sebeletsang batho ka tshwanelo.
E fa batho tokelo ya ho ba le ketsahalo ya botsamaisi e hlahlojwang ke lekgotla la dinyewe.
Karolo 1 ya bukana ena e fana ka tlhahisoleseding malebana le PAJA hape e hatella seo batho ba hlokang ho se tseba ka Molao ona.
Karolo 2 e bua ka moo mokgatlo wa heno o ka sebedisang tlhahisoleseding ena ho thusa batho bao o ba sebeletsang le hore ke eng seo o ka se etsang ho netefatsa hore batho ba ithuta ka Molao.
Qetellong ya karolo ka nngwe, o tla fumana boloko bo hatel-lang tlhahisoleseding ya bohlokwa eo batho ba hlokang ho e tseba. Sena se ka sebedisetswa ho ntshetsa diphetho tsa dithuto kapa ditebello pele bakeng sa tlhahisoleseding kapa thuto efe kapa efe eo o fanang ka yona Molaong. Ke dintlhanyana tsa bohlokwa tseo maloko a setjhaba a tlamehang ho di tseba. Ho hatellwa hape le dikarolwana tse ding tsa tlhahisoleseding ya bohlokwa le ditataisi tseo o tla hloka ho di sebedisa ho behela dikopo nako tlasa molao wa PAJA.
Molao wa Ntshetsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke eng?
Bili ya Ditokelo ya Afrika Borwa e tshepisa tokelo ho "ketso ya botsamaisi e lokileng" ho bohle ba leng Afrika Borwa.
Karolo ena hape e entse hore mmuso o fetise molao o totobatsang ditaba tsa tokelo ena ka ho phethahala. Ona ke Molao wa Ntsh-etsopele ya Botsamaisi ba Toka (molao wa 3 wa 2000).
Ketso ya botsamaisi ke eng?
Makala a mang a mmuso, a jwalo ka ESKOM, Telkom le SABC.
Nako le nako ha tsamaiso e nka qeto e amang ditokelo tsa batho, ba etsa ketsahalo ya botsamaisi.
Ha motho a etsa kopo ya tjhelete ya bofokodi bo itseng kapa ya botsofadi, lefapha la provense le tlameha ho etsa qeto hore le fana ka kopo eo kapa tjhe. Qeto ena ke ketsahalo ya botsamaisi.
PAJA e sebetsana le tsamaiso e leng kgahlanong le ditokelo tsa batho. Ka mantswe a mang, diqeto tse seng kgahlanong le ditokelo tsa batho (tse jwalo ka qeto ya ho abela motho thuso ya tjhelete ya bofokodi bo itseng), ha di a akaretswa.
Le ha ho le jwalo, ka nako e nngwe qeto e seng kgahlanong le motho e mong e ka ba kgahlanong le e mong (motho wa boraro).
Mohlala, ha motho a etsa kopo ya tumello ya ho oketsa ntlo ya hae, sena se ka ama tjhebeho ya moahisane wa hae. Ha ho le jwalo, moahisane a ka tshireletswa ke PAJA.
Tsebisa batho ka mehato ya boipelaetso e ka hare ho lefapha la bona.
Tsebisa batho hore ba na le tokelo ya ho kopa mabaka a ngotsweng bakeng sa diqeto tse nkilweng.
"Mehato e lokileng" eo batsamaisi ba tshwanetseng ho e latela ke efe?
Hore diketsahalo tsa tsamaiso e be tse "lokileng", mehato eo ba e late-lang ha ba etsa diqeto e tlameha ho ba e lokileng. Le ha bukana ena e bua ka diqeto tse amang motho ka mong feela, PAJA e boela e hlahisa mehato bakeng sa diqeto tse amang setjhaba ka kakaretso.
Nako e lekaneng hore batho ba hlahise lehlakore la bona.
Batsamaisi ba tshwanetse ho ela hloko mahlakore ana pele ba nka qeto.
Tsebiso ya hore ba ka kopa mabaka bakeng sa qeto.
Dumella batho bao ho ba sebete ho phehisana le bopaki bofe kapa bofe bo leng kgahlanong le bona(ka molomo kapa ka ho ngola).
Tsebiso le ho ntsha maikutlo. Tabeng ena, motsamaisi o tshwanetse ho phatlalatsa tsebiso e bolelang seo ba rerang ho se etsa mme a kopa batho hore ba ntshe mai-kutlo.
kutlo ana hloko pele a nka qeto hore ho etswang.
Patlisiso ya setjhaba. Mohatong ona, ho kgethwa motho kapa sehlopha sa batho ba tlang ho mamela diphehisa no tsa batho dinyeweng tsa setjhaba. Diphehisano tsena le tsona di tlameha ho elwa hloko pele ho nkwa qeto.
Ka nako tse ding, batsamaisi ba ka kgetha ho sebedisa tsebiso le ho hlahiswa ha maikutlo hammoho le mehato ya dipatlisiso ya setjhaba.
Nakong e fetileng, mmuso o ne o nka diqeto tse amang maphelo a batho kgafetsa ka ntle le ho hlalosa seo ba neng ba se etsa. Ka ho hlakisa ditokelo tseo batho ba nang le tsona, PAJA e etsa bonnete ba hore tsamaiso e sebetsa hantle le hore batho ba tse ba mabaka a hore ho nkwe diqeto. E boela hape e ba dumella monyetla wa hore lehlakore la bona la ditaba le mamelwe pele ho nkwa qeto efe kapa efe. Ka tsela ena, PAJA e etsa bonnete ba hore tsamaiso e sebetsa ka tsela e hlokang sephiri le hore e ikarabella diketsong tsa yona. Hape e etsa bonnete ba hore diqeto di nkwa ka mokgwa o nepahetseng. Mohlala, qeto ya motsamaisi e sekamelang lehlakoreng le itseng kapa e ikama-hantseng le ditaba tse sa tsamaelaneng le seo ho buuwang ka sona, e ka behwa ka thoko.
Ke tlameha ho lebella eng ha ke etsa kopo ya ho itseng?
Kgona ho ntshetsa qeto pele lekgotleng la dinyewe.
Ha motho a etsa kopo ya tjhelete ya bofokodi bo itseng, a ka lebella ho bolellwa, pele qeto ya ho qetela e etswa, hore o tla fuwa tjhelete ena kapa tjhe. Ha a sa e fuwe, a ka etsa boipela-etso (jwalo ka ho hlahisa mabaka afe kapa afe a tsamaelanang le kopo ya hae a so kang a nkelwa hlohong). Haeba qeto e ntse e le kgahlanong le ena, a ka kopa mabaka a ngotsweng a hlalo-sang hore hobaneng sena se etsahetse. Haeba a ntse a kgolwa hore qeto e fosahetse, a ka ipelaetsa ho boto efe kapa efe ya boipelaetso ka hara lefapha la provense. Haeba a ntse a sa atlehe, a ka kopa lekgotla la dinyewe ho hlahlobisisa taba eo.
Ke neng mo nka kopang mabaka?
Motho e mong le e mong a ka kopa mabaka bakeng sa diqeto tse amang ditokelo tsa bona (ka tsela e sa lokang). Ka nako e nngwe, mabaka ana a tla fuwa ntle le hore motho a etse kopo ya oona. Ha ho se jwalo, batho ba tshwanetse ho etsa kopo ya mabaka ao matsatsing a 90 ka mora ho tsebiswa qeto.
Mokgwa wa ho kopa mabaka o totobaditswe melaong ya PAJA.
Di romelwe ka poso, fekse kapa i-meili kapa di iswe ka letsoho.
Ha batho ba sa kgone ho ngola, ba tlameha ho kopa motswalle, e mong wa leloko, mokgatlo wa molao, jwalo-jwalo ho ba thusa. Melao e boela e bolela hore batsamaisi ba tshwanela ho fana ka thuso bathong ba sa kgoneng ho ngola. Kahoo, motho o ne a ka ya kantorong e entseng qeto mme a kope thuso ya ho ngollwa kopo ya hae fatshe.
Ke mabaka afe ao ho tla fanwa ka oona?
PAJA e re batsamaisi ba tshwanela ho fana ka mabaka a "phet-hahetseng". Tshebediso ya lentswe "phethahala" e bohlokwa ha-holo. Batsamaisi ba ke ke ba re ba nahanne feela ka taba mme ba fihletse qeto ya bona. Ba tshwanela ho bolela hore ba e fihletse jwang.
Haeba motho ya kopang mabaka a botsitse dipotso, di tshwanela ho arajwa kaofela. Ka bokgutshwanyane, batsamaisi ba tshwanela ho fana ka tlhaloso e kgotsofatsang bakeng sa ketso ya bona. Le jwale.
Nka lebella ho fumana mabaka neng?
PAJA e bolela hore mabaka a tshwanetse ho fuwa matsatsing a 90 ao motsamaisi a fumaneng kopo.
Ana mabaka a ka fuwa ka molomo?
Karabo e kgutshwanyane ke "tjhe". PAJA e bolela ka ho hlaka hore mabaka a tshwanetse ho fuwa ka ho ngolwa fatshe. Le ha ho le jwalo, haeba motho a fuwa mabaka ka molomo mme a kgotsofetse ke seo, ha ho na bothata. Le moo, motho o tlameha hape ho kopa hore mabaka ao ho fanweng ka oona a ngolwe fatshe hore ba kgone ho sheba ho oona ha bonolo ha ba ka nka qeto ho ntshetsa taba eo pele.
Ho tla etsahala eng haeba ke ntse ke sa kgotsofala?
Mafapha a mang a na le mehato ya ka hare ya ho ipelaetsa. Moo ho nang le mohato wa ka hare wa ho ipelaetsa, sena se tshwanela ho sebediswa pele ketso efe kapa efe e nngwe e ka nkwa.
Lefapha la Merero ya Selehae le na le Boto ya Boipelaetso ho mamela dipelaetso mabapi le diqeto tsa Bahlanka ba mmuso ba Phumantsho ya Boemo ba Bophaphathehi. Haeba motho a etsa kopo ya bodulo ba nakwana kapa boemo ba bophaphathehi mme a hanelwa, ba ka ipelaetsa botong ena.
Moo ho se nang mohato wa ka hare wa ho ipelaetsa, kapa moo sena se sebedisitsweng mme motho a ntse a sa kgotsofatswa ke qeto, ba na le tokelo ho nkela taba lekgotleng la dinyewe mme ba le kope ho hlahlobisisa qeto.
Moo ho nang le mohato wa boipelaetso ba ka hare, taba e tsh-wanetse ho nkelwa hlahlobisisong matsatsing a 180 dikgwedi tse 6 a ho nka qeto hwa boipelaetso bona ba ka hare. Moo ho se nang boipelaetsa ba ka hare, taba e tshwanetse ho nkelwa hlahlobisisong matsatsing a 180 a hore motho a tsebe qeto.
Moo mafapha a nang le mohato wa boipelaetso ba ka hare, le oona hangata a tla ba le dinako tse behilweng tseo ho tsona boipelaetso bo tshwanetseng ho etswa. Sena se fapana ho ya ka mafapha, empa tsebiso ya qeto le tokelo ya ho ipelaetsa le tsona di tshwanela ho hlahisa dinako tse behilweng.
Ana ho na le ditharollo dife kapa dife tse ding?
Jwaloka mohato ofe kapa ofe wa lekgotla la dinyewe, ho nkela taba hlahlobisisong ho ka ba theko e hodimo haholo.
Mafapha a mangata le dibopeho tsa mmuso di na le mekgatlo ya ho ipelaetsa ya ka hare. Tsena di tshwanetse ho sebediswa pele ho nkelwa taba hlahlobisisong mme hangata ha ho na tjhelete e lefshwang bakeng sa boipelaetso.
ya Provense ya lefapha le amehang.
Ho ka thusa ho ngolla Letona kapa Motsamaisi-Kakaretso ya nang le boikarabelo wa lefapha le amehang. Sena se theko e tlase mme, ka dinako tse ding, se sebetsa hantle. Mangolo a tlameha ho ba le tlhahisoleseding e tshwanang le e ho kopo ya mabaka.
Ho na le mekgatlo e mengata eo e seng ya mmuso (diNGO), mekgatlo ya setjhaba (diCBO) le mekgatlo ya molao mo Afrika Borwa e ka thusang. E mengata e tla etsa jwalo ntle le tefo. Batho ba tlameha ho kgothaletswa ho lekola setjhabeng sa bona hore na ebe ho na le e meng ya mekgatlo ena moo ba ka kopang thuso.
Moo ho bonahalang eka ho bile le tsamaiso e sa nepahalang mohlala, ha eka motho e mong o ile a ekwa ka tjhelete ho nka qeto kapa o ne a nka lehlakore kapa ho ne ho e na le sebopeho sefe kapa sefe sa ketso ya bobodu, batho ba ka ikopanya le Motshireletsi wa Setjhaba hore a ba thuse. Sena se fuwa ntle le tefo.
Kaha diqeto di tla kenyeletsa ditlolo tsa Karolo ya 33 ya Mo-laotheo, batho ba ka kopa SAHRC ho ba thusa. Hape, sena se tla etswa ntle le tefo ha SAHRC e dumela hore ho bile le tlolo ya molao.
Disenthara tsa Toka di hlonngwe makgotleng a dinyewe ho po-toloha le naha. Disenthara tsena di na le babuelli ba fumanehang ho fa batho ba futsanehileng ditshebeletso ntle le tefo. Haeba ha ho eso be le senthara ya Toka sebakeng sa motho, ba ka botsa mohlanka wa mmuso wa tsa Thuso ya Molao lekgotleng le haufi la dinyewe ho ba fa mmuelli ntle le tefo.
Ke ka lebaka la eng batho ba tlamehang ho tsebiswa ka PAJA?
Afrika Borwa e na le histori e telele ya tshebeletso ya setjhaba e sa kang ya ba le boikarabelo setjhabeng mme e sebeditse ka ditsela tsa sephiri tse lebisang ho sa tshepahaleng. Ha batho ba ntseng ba etsa dikopo bakeng sa ditshebeletso, dilaesense jwa-lo-jwalo ba bolellwa hore ha di a atleha, ba ne ba sa bolellwe hore hobaneng ho ne ho le jwalo.
Tsamaiso e teng ho sebeletsa setjhaba - ke ka hona lentswe "tshebeletso ya setjhaba". Le ha ho le jwalo, sena ha se kamoo di neng di bonwa ka teng kapa kamoo di neng di ipona ka teng. Motho e mong le e mong o na le pale eo a ka phetang matshwenyeho ao ba teaneng le oona ho fihlela nakong eo ba buisaneng le tshebeletso ya setjhaba.
Thusa ho ntshetsa tshebeletso ya setjhaba e ikarabellang ho batho pele.
Ke eng seo batho ba hlokang ho se tseba?
Se bohlokwa ke hore batho ba hloka ho tseba hore ho na le melao eo batsamaisi ba hlokang ho e latela ha ba etsa qeto. Dintlha tse Karolong ya 1 di tla o thusa ho utlwisisa hore melao ena ke ya eng.
Kaha mekgatlo e mengata e fana ka thuso ya molao ho batho bao ditokelo tsa bona tsa botsamaisi ba toka di tlotsweng/hatakil weng, bukana e ka sebediswa ho ntlafatsa mokgwa oo mokgatlo wa heno o sebetsang ka teng; hape.
E ka sebediswa ho ruta setjhaba, ho fa ditjhaba tseo ba di thu-sang tshedimosetso le tlhahisoleseding ka Molao . Sena se tla thusa ho matlafatsa tsebo ya maloko a ditjhaba tsena ho hatella ditokelo tsa bona.
Basebetsi ba NGO le CBO ba tlameha ho bala bukana ena ho bona ka-moo PAJA e amang mosebetsi wa bona. Mohlala: Haeba mokgatlo wa molao o sebetsa ka mathata a phenshene kapa tjhelete ya bofokodi bo itseng hangata, ba ka sebedisa tshedimosetso e bukeng ho fumana hore mabaka a ngotsweng a kotjwa jwang, ho batla hore maikutlo a batho a elwe hloko jwang pele diqeto di nkwa, jwalo-jwalo.
Ho ka ba jwang ha ho ka kwetliswa maloko a tsamaiso?
Bukana ena e fana ka tshedimosetso ya hore PAJA e ama maphelo a batho jwang mme ha e so lokele kwetliso ya batsamaisi. Sena ke ka lebaka la hobane kwetliso eo batsamaisi ba hlokang ho ba le yona ke e keneletseng mme ha e a shebana feela le PAJA, empa hape le kamoo ho nkwang diqeto kateng, kamoo ho ngolwang mangolo le ditsebiso tse hlokwang ke Molao, le kamoo ho ralwang mabaka a ngotsweng.
Bukana ena e fana ka tshedimosetso ya hore PAJA e ama maphelo a batho jwang mme ha e so lokele kwetliso ya batsamaisi. Sena ke ka lebaka la hobane kwetliso eo batsamaisi ba hlokang ho ba le yona ke e keneletseng mme ha e a shebana feela le PAJA, empa hape le kamoo ho nkwang diqeto kateng, kamoo ho ngolwang mangolo le ditsebiso tse hlokwang ke Molao, le kamoo ho ralwang mabaka a ngotsweng.
Phamfolete ya ho fadimehisa setjhaba.
Dikgatiso tsa diphatlalatso dife kapa dife tse boletsweng.
<fn>Parliament and oversight Sesotho.txt</fn>
Teko ya nnete ya demokerasi ke ya boholo boo Palamente e ka netefatsang ka bona hore mmuso o dula o ikarabela bathong. Sena se etswa ka tekolo ya tswelopele ya nako tsohle ya diketso tsa mmuso.
Palamente le Dikomiti tsa yona di na le matla a ho bitsa motho kapa institjhushene efe kapa efe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, le ho tla fana ka tlaleho.
Molaotheo o bolela hore Palamente e na le matla a ho etsa tekolo ya tswelopele mafapheng ohle a mmuso, ho kenyelletswa le maemong a mmuso wa diprovensi le wa lehae.
Tekolo ya Tswelopele ke mosebetsi o filweng Palamente ke Molaotheo ho bea leihlo le ho lekola tswelopele diketsong tsa mmuso.
Ho kenngwa tshebetsong ha ditekanyetso tsa ditjhelete.
Taolo e phethahetseng ya mafapha a mmuso.
Ka ho lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, Palamente e kgona ho netefatsa hore phumantsho ya ditshebeletso e a etsahala, hore baahi kaofela ba be le bophelo bo botle.
Ho etsa hore ditshebetso tsa mmuso di bonaletse le ho hodisa tshepo ya setjhaba mmusong.
Palamente e na le Dintlo tse pedi, e leng: . Seboka sa Naha (NA), le.
Ntlo ka nngwe e na le seabo sa yona sa tekolo ya tswelopele.
Molaotheo o bolela hore Seboka sa Naha se kgethwa ho emela batho le ho netefatsa puso ka batho tlasa Molaotheo.
Netefatsa hore ditho tsa phethahatso tsa mmuso maemong a naha a mmuso di ikarabela ho ona, le ho boloka tekolo ya tswelopele ho tshebediso ya matla ya mmuso wa naha le ho kenngwa tshebetsong ha molao.
Lekgotla la Naha la Diprovensi le emela diprovensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diprovensi di a hlokomelwa boemong ba mmuso wa naha.
Karolo ya NCOP ke ho sebedisa tekolo ya tswelopele hodima dintlha tsa naha tsa mmuso wa diprovensi le mmuso wa lehae.
NCOP e ka hloka hore setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa Setho sa Komiti ya Phethahatso sa mmuso wa provensi se tle kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti.
Dikomiti tsa Palamente di thehilwe jwalo ka disebediswa tsa Ntlo ho ya ka Molaotheo ho tsamaisa tekolo ya tswelopele le ho bea mmuso leihlo.
Dikomiti tsena ke "diphaposi tsa taolo" tsa tekolo ya tswelopele le mosebetsi wa Palamente wa ho thea melao.
Dikomiti di hlahlobisisa molao, ll di lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, le ho sebedisana le setjhaba.
E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tsa mosebetsi wa tekolo ya tswelopele ke tlhokomelo ya dikomiti ya ditlaleho tsa selemo le selemo tsa mafapha a Mmuso, le ditlaleho tsa Mohlahlobi-Kakaretso wa ditjhelete.
Ho ya ka morero wa tekolo ya tswelopele, Komiti e ka nna ya kopa tlhalosetso ho tswa lefapheng la mmuso kapa e le etele bakeng sa ho fumana dintlha.
Letona la tsa Ditjhelete le etsa tsebiso ya tjhebelopele ya ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa selemo sa ditjhelete se tlang, mmoho le divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa lefapha ka leng.
Palamente e tlameha ho tjhaella ditekanyetso tsena tsa ditjhelete monwana.
Kamora tlhahiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete, Komiti ka nngwe e ba le dimamelo tsa maikutlo le Lefapha la mmuso le amehang leo e lekolang tswelopele ya lona.
Sena se thusa ho lekola hore na ekaba Lefapha le ntsheditse pele ditshepiso tsa lona tsa ngwahola, le ho sebedisa tjhelete ya balefi ba lekgetho ka tshwanelo.
Ho botsa mmuso Dipotso ke e nngwe ya ditsela tseo ka tsona Palamente e etsang hore mmuso o be le boikarabelo.
Dipotso bakeng sa ho arajwa ka molomo kapa ka lengolo di ka lebiswa ho Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente le Matona dintlheng tseo ba nang le boikarabelo ho tsona.
Palamente monyetla wa ho botsa ditho tsa Mmuso ka dintlha tsa phumantsho ya ditshebeletso, lebitsong la mekgatlo ya tsona ya dipolitiki kapa bakgethi.
Ka ho sebedisa mokgwatsamaiso ona, Ditho tsa Palamente di ka etsa dipolelo ka Ntlong, maelana le taba efe kapa efe.
Ka ho fana ka Tsebiso ya Tshisinyo setho sa mokga ofe kapa ofe wa dipolitiki se ka hlahisa ditaba bakeng sa ho ngangisana ka Palamenteng, e leng moo ba thusang ho ntshetsa pele boikarabelo ba bona ba tekolo ya tswelopele.
Dingangisano tsa kopano ya ditherisano ke tsela e nngwe ya ho tlisa tlhahisoleseding ya bohlokwa ka pela mmuso maelana le mananeo a itseng a mmuso kapa molao o hlokehang ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso.
Mosebetsi wa lebatowa o fa Ditho tsa Palamente monyetla o moholo wa ho etsa tekolo ya tswelopele ka bonngwe.
Mosebetsi wa Mabatowa o thusa tshebedisanommoho ka katamelano mahareng a Ditho tsa Palamente le setjhaba.
Ditho di na le boitlamo ba ho tsebisa Palamente ka taba efe kapa efe e hlwailweng ka nako ya tshebetso tsa tekolo ya tswelopele.
Ho etsa tlhahiso ho Komiti ya Palamente ke e nngwe ya ditsela tsa ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.
Ka ho etsa tlhahiso, o na le monyetla wa ho kenya tshusumetso maikutlong a Ditho tsa Komiti tse buisanang ka molawana wa nakwana o itseng pele o e ba molao.
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho tletleba ho Palamente, jwaloka ha ho dumelletswe Molaotheong.
Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o ka tletleba ho Palamente.
Tletlebo ke kopo ka semmuso ho ba nang le matla a taolo hore ba nke mehato. E ka nka mokgwa wa ho tseka, kopo ya thuso, kapa tokiso ya ngongoreho.
<fn>PolPardon_AppForm_Sesotho.txt</fn>
Nomoro ya boitsebiso:...
Aterese ya poso:...
Aterese ya bodulo:...
Dintlha tsa tjhankana, ha di le teng: Nomoro ya tjhankana: Letsatsi leo o tlang ho lokela parole: ... Letsatsi la ho lokollwa:...
MOLATO LEBITSO LA MOLATO Mohl.
Ana o ile wa iphumanela molemo o itseng ka ho etsa m(e)olato?
Ha ho le jwalo, hlalosa mofuta le boholo ba molemo o jwalo.
Maikemisetso a sepolotiki ao o neng o batla ho a fihlella ka ho etsa m(e)olato e ne e le afe, ha e ba a le teng?
Ana mokgatlo wa hao o ile wa fumana molemo ketsong ya m(e)olato?
Na o ne o le mohlanka wa semmuso/ setho sa kantoro/ setho / motshehetsi wa mokgatlo ofe kapa ofe wa polotiki ka nako eo m(e)olato o etswang Ha ho le jwalo, o ne o e na le matla afe?
Nomoro ya ho ba setho, ha e le teng:...
Bolela mabaka a hore hobaneng ho tla thabisa setjhaba ha Mopresidente a ka o tshwarela.
Ana o ile wa etsa kopo ya tshwarelo ho TRC?
Haeba o lokollotswe ka parole, mabaka a ho kenngwa paroling ke afe?
Sete ya motheo ya kgatiso ya menwana ya hao.
Khopi e netefaditsweng ya leqephe le qalang la bukana ya hao ya boitsebiso.
Tlatsetso ya A e tlatsitsweng ke mokgatlo wa polotiki haeba ba tshehetsa kopo ya hao.
Tokomane efe kapa efe e fumanehang e mabapi le tlhabollo tjhankaneng le/kapa ka mora ho lokollwa tjhankaneng.
Nna Mabitso ka botlalo le sefane ke ipolela hore tlhahisoleseding e ka hodimo ke nnete mme e nepahetse..
Ka hona e saennwe ka la ... kgweding ya...
Na o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa puo Karabo:..?
Na o na le kganyetso efe kapa efe kgahlanong le ho etsa kano e balletsweng Karabo:..?
Na o bona kano e balletsweng e tlama letswalo la hao Karabo:..?
A. Ke netefatsa hore dipotso tse boletsweng ka hodimo di lebisitswe ho nna mme dikarabo tsa ka ho tsona di ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha di hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Ana o netefatsa dikahare tsa boipolelo bona?
A. Ke netefatsa hore potso e boletsweng ka hodimo e lebisitswe ho nna mme karabo ya ka ho yona e ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha e hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Aterese ya mosebetsi...
<fn>PolPardon_AppForm_Sesotho_AnnexA.txt</fn>
Mabitso ka botlalo:...
Nomoro ya Boitsebiso:...
Nomoro ya mohala: ()...
Aterese ya Imeili:...
Nna (mabitso ka botlalo) ke ipolela lebitsong la ... (lebitso la mokgatlo) hore...
Ke netefaditse tlhahisoleseding e boletsweng ka hodimo ka tsela e latelang mohl. ke fumane tlhahisoleseding polokehong ya datha/ke fumane dipuo dipaking tse latelang, ke na le tsebo ka ketsahalo jj.
Ke filwe bolaodi ke mokgatlo wa ka ho etsa puo ena le ho fana ka tumello ena lebitsong la mokgatlo.
Mabitso ka botlalo le sefane ke ipolela hore tlhahisoleseding e ka hodimo ke nnete mme e nepahetse.
Ka hona e saennwe ka la ... kgweding ya ... selemo...
Na o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa puo?
Na o na le kganyetso efe kapa efe kgahlanong le ho etsa kano e balletsweng?
Na o bona kano e balletsweng e tlama letswalo la hao?
A. Ke netefatsa hore dipotso tse boletsweng ka hodimo di lebisitswe ho nna mme dikarabo tsa ka ho tsona di ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha di hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Mabitso a qalang ka botlalo le sefane...
Aterese ya mosebetsi...
Ana o netefatsa dikahare tsa boipolelo bona?
A. Ke netefatsa hore potso e boletsweng ka hodimo e lebisitswe ho nna mme karabo ya ka ho yona e ngotswe fatshe ke le teng jwalo ka ha e hlahisitswe.
B. Ke netefatsa hore motho ya ipolelang o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa boipolelo bona bo netefaditsweng ka pele ho nna mme motho ya ipolelang o saenne ke le teng.
Mabitso a qalang ka botlalo le sefane...
Aterese ya mosebetsi...
<fn>Premier PAIA Sesotho.txt</fn>
Ho etella pele Mmuso wa Provense ya Freistata ka tshebeletso e hlwahlwa.
Ho sebeletsa batho ba Freistata ka ho ba nehela tsela e mawala ho netefatsa ditshebeletso tse hokahaneng kahara Mmuso wa Provense ya Freistata ho latela Molao wa Motheo.
Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e bokelleditse bukana ya tataiso e mabapi le ho sebediswa ha Molao.
TSE FUMANEHANG BAKENG LA HO REKA Koranta ya mmuso wa Provense Dikhopi di fumaneha Phaposing ya 3141 Moahong wa Lebohang, Mohala. 403 3139 TSE FUMANEHANG BAKENG LA HO ETSA DIKHOPI Ditlaleho tsa selemo Di fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.za" Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Ditaba tsa Mmuso Di fumaneha websaeteng ena:"http://www.fs.gov.za" , Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Puo ya Boemo ba Provense E fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.
Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete ya Tonakgolo E fumaneha websaeteng ena: http://www.fs.gov.
Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata O fumaneha websaeteng ena: http://www.fs.gov.
Dikhopi di fumaneha ha ho etswa tefo ya R0.
Ha ho hanwe ka phihlello ya rekoto eo tlasa mabaka afe kapa afe a ho hana a boletsweng Molaong.
Mokopi o tlameha ho sebedisa foromo e hatisitsweng ka hara Koranta ya Mmuso. [Tsebiso ya R187 - 15 Tlhakola 2002].
Mokopi o boela a tlameha ho bolela ebang kopo e le ya khopi ya rekoto kapa ebang a batla ho phetlela rekoto diofising tsa Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding. Ka nqe nngwe, ebang rekoto e se tokomane e ka bohuwang ka mokgwa oo e kopilweng ka ona, ebang ho kgoneha karolo 292.
Ebang motho a kopa phihlello ka mokgwa o itseng mokopi o lokela ho nehwa phihlello ka mokgwa oo a kopileng ka ona. Ho dumellana le kopo ha ho a tshwanela ho sitisa tsamaiso ya lefapha, kapa tshenyeho ya rekoto, kapa ho tlola molawana wa kopitso oo e seng wa Mmuso. Ebang ho ke ke ha nehelanwa ka phihlello ka mokgwa oo e kopilweng ka ona ka mabaka a bonahalang, empa ho ka nehelanwa ka yona ka mokgwa o mong osele, tefo ha e a tlameha ho feta e behilweng ho latela kopo ya motho ya pelekarolo ya 293 le 4.
Ebang, tlatsetsong ya karabo e ngotsweng kopong ya hae ya rekoto, mokopi a lakatsa ho tsebiswa ka qeto ka tsela efe kapa efe, mohlala: ka mohala, sena se tlameha ho bontshwa karolo 182e.
Ebang mokopi a kopela motho e mong tlhahisoleseding, o lokela ho bontsha boemo boo kopo eo e etswang ho bona. karolo 182f.
Ebang mokopi a sa kgone ho bala kapa ho ngola, kapa a na le boqhwala bo itseng, a ka etsa kopo ya rekoto ka molomo. Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho tlatsetsa mokopi foromo mme a mo nehe khopi karolo 183.
Mokopi ya batlang phihlello ya rekoto e nang le tlhahisoleseding ya motho e mabapi le mokopi eo ha ho hlokehe hore a lefe tefello ya kopo.
Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho bolella mokopi (ntle le mokopi wa rekoto ya hae) ka tsebiso, e hlokang hore mokopi a lefe tefello e laetsweng (ebang e le teng) pele ho tswelwa pele ka kopo.
Tefello ya kopo e lefshwang dibopehong tsa setjhaba ke R35. Mokopi a ka etsa boipiletso ba kahare, ebang ho lokela, kapa qoso lekgotleng kgahlanong le thendara kapa tefo ya tefello ya kopo.
Kamora hore mohlanka wa tlhahisoleseding a etse qeto mabapi le kopo mokopi o tlameha ho tsebiswa ka qeto e jwalo ka mokgwa o kopilweng ke bona.
Ebang kopo e tswella tefello e nngwe ya phihlello e tlameha ho lefshwa bakeng la phuputso, tokisetso, katiso le bakeng la nako e ekeditsweng hodima dihora tse laetsweng tsa ho fuputsa le ho lokisetsa ho tsebahatsa rekoto. Ditefello di behwa ho latela molao.
Sepeho sa Lefapha hase hakaalo ho nehelana ka ditshebeletso ka ho otloloha setjhabeng, empa ho nehelana ka tataiso e mawala le ho hokahanya ditshebeletso ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata.
Setsha sa Ditshebeletso se tla kenya ditletlebo kapa se romelle dipatlisiso 2. Contact No.
Lenaneo lena le nehelana ka botsamaisi bo phethahetseng le tshehetso ya botsamaisi ho Tonakgolo le Lekgotla la Phethahatso ho fihlella maikemisetso a mmuso le dintlha tse ka sehloohong. Lenaneo le bopilwe ka dikarolo tse latelang: Tshehetso ya Tonakgolo, Ditshebeletso tsa Kgokahanyo tsa Phethahatso, Ofisi ya Molaodi- Kakaretso, Kakofatso ya Ditheo, Boeletsi/Bohokahanyi ba Tshireletso, Bolekodi ba kahare le Ditshebeletso tsa Botsamaisi ba Ditjhelete.
Lenane la 2 le rera ho netefatsa phihlello ya maikemisetso a Lefapha la Tonakgolo ka ho nehelana le ho hlokomela mehlodi ya batho e kwetlisitsweng hantle le e nang le bokgoni, le e bebofatsang le ho hokahanya kaho ya bokgoni ya ditshebeletsong tsa mekgahlelo e mengata ka hara mmuso wa provense, ka thupelo le ntshetsopele ya boitsebelo, le ho nehelana ka tataiso e mawala le ho hokahanya ditshebeletso tsa molao ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata. Lenaneo lena le bopilwe ka mananewana a latelang: Mehlodi e Mawala ya Batho, Theknoloji ya Tlhahisoleseding, Ditshebeletso tsa Molao le Dikgokahanyo tsa Kgwebo, le mananewana a latelang: Keletso ya Mehlodi ya Batho le Botsamaisi ba Kgokahanyo, Setheo sa Freistata sa Thupelo le Ntshetsopele, Ntshetsopele ya Mekgatlo, le Moralo o mawala wa Masedinyana le Bohokedi.
Lenaneo lena le ke motheo wa kgokahanyo ya leano la provense le ho nehelana ka tataiso e mawala. Lenaneo le bopilwe ka mananewana a latelang a mararo le a mang a ka tlasa mananewana: Mananeo a Ikgethang, Dikamano pakeng tsa Mebuso le Botsamaisi bo Mawala ba Leano.
Matsholo a Komiti ya Phethahatso e Kopana le Batho a hlophiswa kgafetsa ho phatlalla le Provense. Sepheo ke ho tlisa kopano ya sefahleho ho sefahleho ya mmuso wa provense le baahi ho hlalosa le ho tlaleha mabapi le maano, mananeo le diprojeke.
Matsholo a Imbizo le ona a hlophiswa. Sepheo ke ho tlisa kopano ya sefahleho ho sefahleho ya mmuso wa naha le baahi ho hlalosa le ho tlaleha mabapi le maano, mananeo le diprojeke.
Ho ya ka dintlha tsa Melao le Ditaelo tsa Lekgotla la Ketsamelao la Provense, melao yohle e phatlalatswa bakeng la maikutlo a setjhaba pele ho buisanwa ka yona. Setjhaba se nehwa monyetla wa ho ngola dipehelo kapa ho hlahella ka pela dikomiti tsa dipotfolio tse fapaneng.
Melao e fapaneng ya provense e dumella ditho tsa setjhaba ho kgetha ditho tse tla sebetsa dikomiting tse itseng. Baemedi bana ba ka ba le tswaetso diqetong tse etswang.
Ha ho ralwa melao, setjhaba le sona se a mengwa ho latela dipehelo tsa Molao wa 2000, wa Tsebahatso ya Toka ya Tsamaiso, ho tlisa diphehiso mabapi le dintlha tse amang ditokelo tsa bona.
Mokopi a ka hlahlela boipiletso ba kahare kgahlano le qeto ya mohlanka wa tlhahisolesedingho Tonakgolo kapa mothong ya kgethilweng ke Tonakgolo. Ho feta mona, mokopi a ka hlahlela nyewe lekgotleng la dinyewe bakeng la ho fumana thuso e loketseng kamora hore a sebedise metjha ya kahare ka ho phethahala.
Ha ho hlokeha, Lefapha le tla ntjhafatsa le ho phatlalatsa bukana ena, jwalo-jwalo kamora nako e sa feteng selemo.
Khopi puong e nngwe le e nngwe ya tse tharo e tlameha ho fumaneha Khomesheneng ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho; le ofis e nngwe le e nngwe ya mokgatlo wa setjhaba.
<fn>Presidential PolPardons - Sesotho.txt</fn>
Haeba o tjhankaneng bakeng sa molato wa sepolotiki o entsweng pele ho la 16 Phupu 1999 kapa o lokollotswe tjhankaneng ka mora ho etsa molato wa sepolotiki, o ka ba le tokelo ya ho fumantshwa tshwarelo ho tswa ho Mopresidente wa rona wa Naha..
O kotjwa ho ela hloko hore haeba o ne o ahloletswe molato wa mofuta ofe kapa ofe o mong, HA O NA tokelo ya tshwarelo ho ya ka puso e ntjha. Le ha ho le jwalo, o ka etsa kopo ya tshwarelo e tlwaelehileng ho ya ka karolo ya 84 (j) ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, e matlafatsang Mopresidente wa Naha ho tshwarela kapa ho hlakola kapa ho kgutlisetsa kahlolo ya batlolamolao morao le ho kgutlisetsa dikahlolo dife kapa dife lekgotleng le tlase la dinyewe.
Tswelopele ena e ikgethileng ya tshwarelo e qadile ka la 15 Pherekgong 2008 mme e kwala ka la 15 Motsheanong 2008.
Sena se bolela hore o tlameha ho tlatsa foromo ya hao ya kopo ka pelepele..
Haeba o hloka thuso ho tlatseng kopo ya hao, mokgatlo wa hao wa polotiki o na le maikarabelo a ho o thusa ho tlatsa foromo ya kopo..
Foromo ya hao ya kopo e tlameha ho iswa ka mokgwa o behetsweng mme motho ya dumelletsweng ke mokgatlo wa polotiki a tiise tlasa kano hore o ne o le ka tlasa taelo kapa keletso ho etsa molato bakeng sa mabaka a sepolotiki.
Ela hloko ha o tlatsa foromo ya kopo - ke tse tlatsitsweng hantle feela tse tlang ho nkelwa hlohong.
Ho tlameha ho ba motho a le mong feela kopong ka nngwe. Tlhahisoleseding kaofela e tlameha ho tlatswa ka ho nepahala le ka botshepehi ka ditokomane kaofela tsa tshwanelo tse tshehetsang.
Mokgatlo wa hao wa polotiki o ka isa kopo lebitsong la hao, ha ho le jwalo, o tlameha ho netefatsa hore foromo ya hao ya kopo e tlatsitswe ka nepo. Hape o tlameha ho bolela tlasa kano hore m(e)olato o entswe mabapi le diketso tsa sepolotiki tseo o(mokgatlo) neng o le karolo ya tsona..
La pele, tsweletso e qalang ya ho lekola dikopo kaofela e tla etswa ke Lefapha. Dikopo di tla fetisetswa ho Sehlopha sa Tshupo (RG), se entsweng ka ditho tsa mekgatlo ya dipolotiki tse emetsweng Palamenteng. RG e tla nkela kopo e nngwe le e nngwe hlohong ka tokelo ya yona mme e etse kgothaletso ho Mopresidente wa Naha hore ho fanwe ka tshwarelo kopong e nngwe le e nngwe kapa e hanelwe. RG e tla tswela pele ho sebetsa ho fihlela ka la 30 Lwetse 2008.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le fana ka mesebetsi ya bongodi ho RG.
Haeba o isa kopo ya hao ka mora la 15 Motsheanong 2008.
<fn>Pula Imvula. BreadWheat.2010-03.st.txt</fn>
Photo 1: Samuel Moloi (Molemi wa Selemo sa 2009), o kotutse ditone tse tshabehang tsa 3.5 hekthara ka nngwe tsa koro sehleng sena.
Photo 2: Pokeletso ya koro ya Samuel Moloi.
Dinaheng tse ngata tsa lefatshe, batho ba bangata ba se ba nkile bohobe e le tokelo, eseng monyetla. Le mona Afrika Borwa ho jwalo feela, moo ka dilemo tse ngata, balemi ba Afrika Borwa ba hlahisitseng koro yohle e hlokwang ho tiisa hore bohobe bo a fumaneha dirakeng tsa mabenkele.
Nakong ya dihla tse pedi tse fetileng, bahlahisi ba koro ba ile ba shebana le qaka ya hore ba sitwa ho hlahisa koro le ho etsa phaello - ditjeo tsa tse sebediswang mobung di phahame haholo, ha theko ya dihlahiswa yona e le tlase haholo.
Bahlahisi ba kene kgwebong, mme jwalo ka dikgwebong dife le dife, hore motho a atlehe, o tshwanela ho etsa phaello. Tjhelete eo o e sebedisang ho hlahisa sejothollo e tshwanetse ho ba tlase ho tjhelete eo o e fumanang ha o rekisa dihlahiswa tsa hao. Ka bomadimabe, dilemong tse sa tswa feta, ditjeo tsa tse sebediswang temong, jwalo ka mohlala, metjhine ya temo, diesel, manyolo, peo, dibolayalehola le dibolayakokwanyana, inshorense ya dijothollo, kotulo le teranseporoto, di ile tsa phahama haholo. Se makatsang ke hore theko ya koro yona e theohile. Balemi ba rona jwale ba shebane le bothata ba hore ba sitwa ho tswela pele ho hlahisa koro.
Ditabeng tsena, ke tsepamisitse maikutlo tlhahisong ya koro mobung o ommeng. Ho totobetse, maemo a ditaba a fapane le a bahlahisi ba sebedisang mekgwa ya nosetso. Bahlahisi bana hangata ba lema dijothollo tse pedi ka selemo, mme ba na le tiisetso ya kuno tse batlang di phahame. Tlhahiso ya dijothollo tse nosetswang ka mehla e phahame ho feta ya mobung o ommeng kapa ya dijothollo tse fumanang pula. Le ha ho le jwalo, ho tshwanetse ho hopolwa hore ha se masimo ohle a ka nosetswang hobane naha ya rona ha e na metsi a lekaneng. Hape ha re a tshwanela ho ya le kgongwana hodimo mabapi le bahlahisi ba sebedisang mokgwa wa ho nosetsa - hopola hore bongata ba bona bo sebedisa motlakase ho pompela metsi masimong a bona. Bohle re lemohile ditheko tse phahameng haholo tseo Eskom e tshosetsang ka tsona. Ha eba ditheko tsena tse phahameng di ka kenngwa tshebetsong, sena se tla ama ka mokgwa o matla ditjeo tsa tlhahiso, le hona ho thibela bahlahisi ba bang ho ka hlahisa dijothollo.
Hobaneng ha bahlahisi ba lema koro?
Bahlahisi ba simollotse ho hlahisa koro ya mariha sebakeng se futhumetseng se ka Botjhabela sa Foreisetata dilemong tsa bo1950. Nakong eo, ditjeo di ne di mathela mane ditoneng tse 0.5 hekthara ka nngwe, mme ka ho sebedisa mekgwa e metle ya temo, bahlahisi ba nnile ba kgona ho fumana kuno ya tone hekthareng ka nngwe. Kuno tsena di shebahala eka di nyane, empa hopola hore nakong tseo, ho tswadiswa ha peo ho ne ho sa tswela pele, ho ne ho fokola, mme manyolo a neng a ka fumaneha a ne a sebediswa. Le ha ho le jwalo, bahlahisi ba ne ba etsa phaello. Ka dilemo tse ngata Foreisetata, mebu e bile e metle, e loketseng ho baballa mongobo. Pula tse nang qetellong ya hlabula le hwetla di bolokwa mobung, mme koro e sebedisa mongobo oo ho hola ho fihlela ha ho ena pula tsa selemo.
Bahlahisi/balemi ha esale ka lemo tse ngata ba ntse ba lema koro ka mokgwa o le mong wa sekgalekgale ho fihlela kgarese e iphetola moleko masimong. Ka ha koro le kgarese di batlile di tshwana, ho ne ho se bonolo ho bolaya kgarese ntle le ho lematsa koro. Balemi ba ile ba qobelleha ho sheba ka lehlakoreng la tlhahiso ya poone, mme hamorao ka soneblomong. Hona e bile mokgwa wa phapantsho ya dijothollo le koro. Taba ya ho tloha mofuteng wa sejothollo sa mariha ho ya ho sa lehlabula, le ho kgutlela morao hape, e bile le melemo e mengata. Mohato o bohlokwa ka ho fetisisa mohlomong ke wa taolo ya lehola. Kgarese e melang mariha e ne e kgona ho laolwa masimong a se nang letho pele dijothollo tsa hlabula di lengwa, mme mahola a lehlabula a ne a laolwa ha bonolo masimong a koro ka ha bongata bo mahlaku a sephara, ha koro yona e le lehlaku le lesesane, mme ka hoo, taolo ka dikhemikhale ka kakaretso e bile ntho e bonolo.
Balemi ba ile ba sebedisa mokgwa wa ho tlohela masimo a sa lengwa le wa phapantsho ya dijothollo - tatellano e kang ya koro, koro, poone, soneblomo le koro. Molemi ka mong o na le mokgwa wa hae wa ho tlohela masimo le wa phapantsho ya dijothollo, ho ya ka maemo a hae, empa ha e le paterone yona ka kakaretso e ne e ntse e itshwanela. Mefuta e meng ya dijothollo le yona e ne e ntse e kenyelletswa - haholoholo furu ya mehlape.
Jwale balemi ba shebane le qaka - ba tshwanetse ho ba le sejothollo sa mariha saekeleng, empa jwale ha ba sa kgona ho lema koro ka mokgwa o ba tlisetsang kuno. Ba tla qetella ba entse jwang?
Na Afrika Borwa e sa ntse e hloka balemi ba koro?
Ena ke potso e ntle eo re tshwanetseng ho ipotsa yona - mmuso le wona o tshwanetse ho botsa potso ena. Hobaneng re tshwanela ho tshwenyeha ka balemi ba rona Ke mang ya tshotellang le ha ba sa hlahise koro?
Ke nnete hore lefatshe le se le le lenyane - dihlahiswa ho se ho hwejwa ka tsona mmarakeng wa lefatshe. Ke nnete, mohlomong ho a kgonahala hore Afrika Borwa e ka romella ho tswa ka ntle koro yohle eo e e hlokang, e leng eo e e sebedisang le ya dinaha tse bapileng le yona jwalo ka Lesotho, Swaziland le Botswana.
Na Afrika Borwa e na le mofuta wa tjhelete ya ka ntle hore e kgone ho lefella thepa e kenang Hopola hore ho fihlella mofuta wa tjhelete ya ka ntle o tlamehile hore o be o romella ka ntle mofuta wa thepa eo dinaha tse ding di batlang ho e reka?
Na dinaha tse romellwang thepa di na le koro e lekaneng ya Afrika Borwa selemo le selemo Ho tla etsahala eng ha di ka etsa qeto ya ho sebedisa koro ya tsona e setseng mabapi le tlhahiso ya ethanol (jwalo ka mohlala) le ho se e romelle naheng tse ding?
Na ho teng dikepe tse lekaneng jwalo ka teranseporoto e ka fetisetsang koro Afrika Borwa?
Na dikou tsa rona di ka kgona ho sebetsana le koro kaofela e tla tshwanela ho kena Afrika Borwa ho kgotsofatsa ditlhoko tsohle tsa Afrika Borwa le dinaha tse bapileng le yona?
Na ditsela tsa rona di ka kgona mabapi le teranseporoto ya dijothollo ho tloha koung?
Ho tla etsahala eng ka batho ba sebetsang mapolasing moo ho hlahiswang koro?
Ho tla etsahala eng ka batho ba sebetsang dikoporasing le disiung, ba lokelang ho sebetsana le koro?
Re na le setjhaba se seholo seo ka kakaretso se futsanehileng - re tshwanetse ho kgothaletsa ntshetsopele ya ikonomi dibakeng tsa mahaeng. Temo ke mokgwa o motle ka ho fetisisa ho fihlella sena. Bahlahisi ba rona ba tshwanetse ho etsa phaello hore ba kgone ho tswela pele ho hlahisa.
Re reng ka bahlahisi ba batsho ba ntseng ba thuthuha?
Bohle re sebetsa ka matla ho tlisa phetoho temong ya mona Afrika Borwa - bahlahisi ba teng ba bangata ba tshwanetseng ho hlahisa koro e le karolo ya saekele ya bona ya phapantsho ya dijothollo. Mothating ona, re kgonne ho tshehetsa bahlahisi bana ho kena tlhahisong feela hobane ba nnile ba hlohonolofatswa ka thuso ya Winter Cereals Trust le Lefapha la Temo la Foreisetata. Ha eba re rata ho thusa bahlahisi ba batsho ho kena temong ka mokgwa o tiileng, ho hlokolosi hore re shebe taba ya katleho tlhahisong ya koro.
Re reng ka thepa e tswang ka ntle?
Dinaheng tse ding tsa lefatshe, maemo a batla a le matle mabapi le tlhahiso ya koro - mebu e metle, le pula e ngatanyana (ka nako tse ding ke e ka nohuwang), le lona lehlwa le fanang ka mongobo korong nakong tsa mariha (koro e nyane hantlentle ha e senngwe ke serame). Dinaha tse ding le tsona di na le ditjeo tse tlase tsa tlhahiso - ditheko tsa tsona tsa diesel le manyolo, jwalo ka mohlala, di tlasenyana ho tsa rona. Dinaha tsena di kgona ho hlahisa koro e ngata ho feta eo di e hlokang, ka hoo, di kgona ho romella ka ntle. Ke nnete, Afrika Borwa e kgona ho romella koro ka ntle - empa hopola dipotso tseo re tshwanetseng ho ipotsa tsona.
Pheko ke efe?
Re kgolwa hore e nngwe ya ditharollo ke ho lefisa lekgetho thepeng e kenang ya koro. Ha eba koro e romellwa ho tswa ka ntle, bao ba e rekang ba tshwanetse ho lefa lekgetho le itseng la yona. Lekgetho lena e tla ba mohlodi wa lekgetho la naha, mme le tla thusa ho kenya kgatello thekong ya selehae ya koro. Hopola hore ha monga lelwala a rata ho reka koro, o sheba boleng le theko. Ka kakaretso, boleng ba koro ya Afrika Borwa ke bo botle haholo empa theko e phahame haholwanyane, ka hoo, monga lelwala o reka koro e tswang ka ntle. Ha monga lelwala a lokela ho lefa lekgetho mabapi le koro e tswang ka ntle, o tla nahana taba ya ho reka sejothollo sa lapeng. Sena se tla thusa bahlahisi ka ho eketsa theko eo bahlahisi ba e fumanang mabapi le dijothollo tsa bona.
Ha eba bahlahisi ba ne ba tshwanetse ho etsa phaello ka koro ya bona, ba ne ba ka nna ba lema koro e ngata. Afrika Borwa e ne e ke ke ya qobelleha ho sebedisa mofuta wa tjhelete ya ka ntle ho reka koro, ikonomi ya selehae e ne e tla matlafala, mesebetsi e mengata e ne e tla ba teng, bahlahisi ba ne ba tla kgona ho lefa basebeletsi ba bona haholwanyane, jwalojwalo. Menyetla e mengata haholo eo naha e ka bang le yona.
Lekgetho la thepa e kenang le ne le tla ba le tshwaetso efe thekong ya bohobe?
Mokotla wa phofo ya poone - 35% - 45% ya poreisi eo o e lefang ke boleng ba poone.
Ha eba lofo ya bohobe e ja R8, 00 (mohlala), boleng ba koro lofong eo mohlomong e ka ba R2, 00. Jwale lekgetho la thepa e kenang mohlomong e ka ba 5% (e leng le lengata!). Sena se ka eketsa ka 10c poreising ya lofo ya bohobe. Ena ha se phapang e kgolo ya poreisi ho moreki, empa e ka nna ya thibela ho putlama ha kgwebo ya mohlahisi!
Kgwebo e fupere dikotsi - dikgwebo kaofela di fupere dikotsi tse itseng.
Bahlahisi ha ba na boikgethelo, ke baamohedi ba diporeisi - mohlahisi o sitwa ho etsa qeto hore o ilo fumana bokae mabapi le tone ya koro, ka ha koro kaofela e rekiswa ka mokgwa wa fantisi, mme poreisi eo a e fumanang ke yona poreisi. Hangata mohlahisi o qobelleha ho amohela poreisi ya dijothollo tsa hae, e leng tlase ho ditshenyehelo tsa ho hlahisa dijothollo tseo.
Ha o le ralebaka, o reka folouru, mme o etsa qeto ka poreisi ya dirolls tsa hao tsa bohobe. Ha moreki a sa ikutlwe ho lefa poreisi ya hao, o emisa taba ya ho reka folouru le ho baka, ho fihlela poreisi e ntlafala. Hang ha mohlahisi a entse qeto ya ho jala sejothollo, o sitwa ho emisa ka mosebetsi oo ho fihlela diporeisi di ntlafala - o se a sebedisitse tjhelete, o tshwanetse ho kotula le ho rekisa.
Bahlahisi ba rona ba a rateha - ba sebetsa ka thata, ba ipeha kotsing ka ho hlahisa dijo le ho fa batho ba Afrika Borwa mesebetsi. Hopola hore re kgona ho romellwa thepa e tswang ka ntle ha feela dinaha tseo di tlalletswe, mme naha ya rona e ntse e ena le lekgetho la ka ntle ho lefella thepa e kenang. Ha eba maemo a se matle dinaheng tse re romella thepa, naha tseo di tla emisa ho re romella thepa ya tsona, mme di tla e sebedisetsa mabaka a tsona, mme re tla sitwa ho reka thepa ya tsona. Ha sekgahla sa phapanyetsano se eba kgahlanong le boleng ba ranta ya rona, naha ya rona e ke ke ya ba le tjhelete ya ho lefella dijothollo tse romellwang ho tswa ka ntle. Batho ba tla bolawa ke tlala jwalo ka ha ho etsahala naheng tse ngata tsa Afrika. Bahlahisi ba rona ke ba ratehang, ba sebetsang ka thata, baahi ba Afrika Borwa. Re tshwanetse ho leka ka matla ho etsa hore ba dule ba hlahisetsa setjhaba sa rona dijo. Nakong e tlang ha o reka lofo ya bohobe - nahana ka mohlahisi wa koro ya lahlehetsweng ke tjhelete hore wena o kgone ho ja!
<fn>Pula Imvula. ChemicalsMaize.2010-03.st.txt</fn>
Photo 1: Sena ke se etsahalang ha o fafatsa poone ka sebolayalehola pele e ba boemong ba ho fafatswa.
Photo 2: Etsa bonnete ba ho latela dinnete tsa motheo ha o sebedisa dibolayalehola.
Dikhemikhale tsa temo di ka bolaya dijothollo tsa hao bakeng sa ho di tshireletsa ha eba di sa sebediswe ho latela meedi e behilweng ya dikgothaletso le tlhokomelo e hlokahalang. Ka ho latela dinnete tsa motheo ha o reka kapa o sebedisa dikhemikhale, molemi a ka qoba tshenyo e kgolo dijothollong tsa hae.
Na moemedi ho tsa temo o ngodisitswe mabapi le sejothollo se itseng (mona Afrika Borwa) le ho sebetsana le lehola le itseng, bolele kapa tlhaselo?
Na mothamo o kgothaleditsweng wa khemikhale o sebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe?
Na maemo a lehodimo nakong ya tshebediso le ka mora tshebediso a dumellana le maemo a kgothaleditsweng?
Na nako ya tshebediso e tshwana le nako e kgothaleditsweng, mohlala, mesong ya letsatsi kapa thapama haholo?
Na boemo ba masimo moo sejothollo se lengwang bo kgema mmoho le moralo wa ditlhoko, mohlala, mongobo wa mobu le mofuta wa mobu?
Na mehato ya taolo kgahlanong le tlhaselo e a sebediswa mehatong ya kgolo jwalo ka ha ho kgothaleditswe ditaelong tsa tshebediso?
Ditlamorao - na sesebediswa sa temo se ka ba le kotsi ya letho mabapi le mokgwa wa phapantsho ya dijothollo - ka mantswe a mang, dijothollong tse tla latela hamorao?
Na sesebediswa sa temo se ka tswakanngwa le tse ding - mohlala, sebolayalehola se itseng mmoho le tse ding le/kapa dibolayakokwanyana le dibolayabolele tse ding?
Dikgothaletso di tlamehile ho ngolwa fatshe le ho saenwa ke moemedi.
Balemi ba boetse ba tshwanetse ho ela hloko hore ho fafatsa ka thoko ho ka nna ha etsahala nakong ya tshebediso ya dikhemikhale, haholoholo ha ho fafatswa, mme sena se tshwanetse ho qojwa haholo. Tshenyo e kgolo e ka ba teng ha eba dikhemikhale tsena di dula/wela masimong a haufi, a dijothollo tse boi.
Paballo ya dijo e bohlokwa ka ho fetisisa. Ka ho sebedisa dikhemikhale ka nepo le ho boloka direkoto tsa tshebediso ya tsona, balemi ba tla be ba hlotse ditaba tse mpehadi mabapi le paballo ya dijo.
<fn>Pula Imvula. FocusMaize.2010-03.st.txt</fn>
Grabber: Ntshetsopele e mabapi le batho - e mabapi le motho ka mong.
Mona Afrika Borwa, ho teng balemi ba bangata bao e leng bahwebi ba tsebang tsa bohwai bona hantle, ba hlahisang dijothollo dife le dife, ba nang le mefuta efe le efe ya mehlape. Ha re haellwe ke tsebo mabapi le mosebetsi wa bolemi - seo re se hlokang ke ho fetisetswa ha tsebo le bokgoni baleming ba batho ba batsho e le hore ba kgone ho ba dihwai tse tiileng, tse ikemetseng.
Metheo ya ntshetsopele e tiileng le bophelo bo tiileng ba dibaka tsa mahae/mapolasi e kenyelletsa tsepamiso ya maikutlo mehloding eo motho ka mong a nang le yona, le hore ho ya ka bonamodi bo shebilweng, mehlodi e seng e le teng e ka eketswa jwang. Mehlodi ena ke dintho tse fapaneng - tse amanang le kamano pakeng tsa batho, tse amanang le ditjhelete, tse ka angwang ka letsoho/tse bonwang ka mahlo, tsa tlhaho le tsa botho. Hore ntshetsopele e tiye, e tshwanetse ho thehwa mehloding e seng e ntse e le teng, e leng e sebediswang ke batho ho bokella dijo le tjhelete. Bodulo bo tswetseng pele ba batho bo tlisa tse latelang: keketseho ya tjhelete e kenang, bophelo bo botle, phokotseho ya boemo bo kotsi, keketseho ya paballeho ya dijo hammoho le tshebediso e tiileng ya mehlodi ya tlhaho. Tshebetso ya ntshetsopele e theilwe matleng le mehloding e leng haufi le batho.
Se bakang bofutsana ke dintho tse fapaneng, mme ka mehla se dulang se bonahala bofutsaneng ke - tjhelete e nyane eo motho a e fumanang, tlhahiso e tlase hammoho le ho hloka tsebo.
Hangata batho ba futsanehileng ba qhelelwa ka thoko theknolojing ya sejwalejwale le mekgweng ya tlhahiso ya sejwalejwale, mme ba tswela pele ka mokgwa wa bona wa sekgalekgale wa ho etsa dintho lebaka feela e le hobane ha ba a atametswa mekgweng e molemo le ya sejwalejwale ya ho etsa dintho. Batho ka kakaretso ba kgahlanong le diphetoho, mme ba tshaba tseo ba esong ho kopane le tsona. Ho bona ho bonolo ho tswela pele ka mokgwa o le mong wa kgale hobane ba tseba hore ke mokgwa o sebetsang. Hopola hore ha ba tsebe hore ho teng mekgwa e metjha, e molemo, eo ba ka e sebedisang. Hangata ba ka rata mekgwa e fokotsang kotsi ya ho nyopa ha dintho. Ba sitwa ho leka sejothollo se setjha, jwalo ka mohlala, hobane ba tshaba tahlehelo ya paballeho ya dijo tsa lelapa. Ka mananeno a rona a kwetliso le ntshetsopele, re tshwanetse ho beha batho leseding la mekgwa e molemo ya ho etsa dintho, mme hape re tshwanetse ho ba tshireletsa kotsing ya ho nyopa ha merero, ka ha hona ho na le sekgahla paballehong ya dijo tsa lelapa.
Dikgaello tsa ka ntle e ka ba taba ya ho tlohella batho ba futsanehile, mohlala, komello, dikokwanyana, dikgohola, ho tloswa ha meru, ho fudisa mehlape ho fetang tekano, kgoholeho, boemo bo fokolang ba menontsha ya mobu, le esiti mobung. Ha o futsanehile, o hloleha ho ela dintho hloko - ho ka nna ha etsahala hore mohlomong ha o tsebe ka inshorense ya dijothollo, hape ho ka nna ha etsahala hore ha o tsebe hore e fumanwa jwang. Ha sefako se matla se ripitla masimong, dijothollo di ka nna tsa senngwa ka hohlehohle, mme balemi ba ka nna ba iphumana ba hloka dijo.
Re tlamehile ho hopola hore batho ba arohane, mme motho ka mong o tlamehile ho laola bokamoso ba hae. Motho ka mong o tlamehile ho fuwa matla a ho etsa diqeto ka kutlwisiso e phethahetseng le ho utlwisisa ditlamorao tsa dikgetho tseo motho a di etsang. Hangata batho ba leng maemong a puso ba rata ho etsetsa batho diqeto le ho laola bophelo ba bona. Ntshetsopele efe le efe e tshwanetse ho simolla fatshe, mme e lebe hodimo. Batho ba tshwanetseng ho una molemo ba tshwanetse ho utlwisisa bonamodi, e be bona ba batlang tshehetso, le ho lebella menyetla. Mananeo a simollang hodimo ho ya tlase hammoho le diprojeke tse jwalo di baka taba ya ho itshetleha haholo ka bonamodi ba ka ntle.
Hang ha re se re amohetse hore motho ka mong o jara boikarabelo ka bophelo ba hae, re tla utlwisisa hore "ho fa batho tlhapi" ha se tharollo ntshetsopeleng. Ntshetsopele e tiileng ke e mabapi le matlafatso ya batho hore ba kgone ho ikemela. Dijo tseo batho ba di fuwang di baka taba ya ho itshetleha ka ba bang, mme hantlentle e thibela batho hore ba sitwe ho fihlella boemo ba ho ikgona le ho ikemela.
Hara setjhabana sefe le sefe ho ba teng batho ba hlahileng ka mahetla, ba maemo a itseng, mme ke taba e swabisang ha batho ba jwalo ba hatella le ho qhekanyetsa mafutsana.
Ho teng mabaka a mangata a fapaneng a ikonomi a futsanehisang batho, mohlala, ho hloka tjhelete, ho hloka tumello ya ho nka sekoloto, ho hloka borakgwebo, ho hloka sebaka sa ho boloka thepa, ho hloka dithuluse le disebediswa, infoleishene (ho phahama ha theko), mmaraka o mahareng, bosiyo ba tjhelete ya dijothollo, diporeisi tse tlase tsa dijothollo, bosiyo ba teranseporoto le puisano le diporeisi tse sa tsitsang tsa thepa.
Ho teng diprovense tse itseng tsa naha ya rona tse seng di batla di tshwana le boithuto ba buka ya bofutsana bo sa foleng. Batho ba ntse ba phela, empa ba ntse ba aparetswe ke bofutsana le ha ba kgona ho fumana mehlodi e metle ya tlhaho. Dikarolo tse kgolo tsa diprovense tsena di na le mebu e tebileng, mofuthu o lekaneng le dipula tse lekaneng mabapi le tlahiso e ntle ya dijothollo le dipeo tsa oli.
Bofutsana, le tshenyo e tliswang ke bona, le tshabo e teng paballehong ya dijo tsa lelapa.
Ho itshetleha ka borakonteraka ba temo ba mpefatsang maemo a tlhahiso ka ditshebeletso tse fokolang le ho eketsa ditjeo tsa tlhahiso.
Jwalo ka Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, re tsepamisitse maikutlo tlhahisong ya poone. Potso e ka nna ya sala - hobaneng hajwale tsepamiso eo e le pooneng?
Poone ke sona sejo se seholo, mme ka hoo, tlhahiso e ntlafaditsweng e ka tlisa paballeho le tshireletso dijong, mme ho se ntse ho le teng mmaraka wa poone (ho tloha mohatong wa poone e tala ho isa dijothollong).
Poone e hlahiswa ke balemi ba selehae, mme ka baka lena, thahasello e teng hammoho le tsebo ya motheo eo ho ka ahwang hodima yona.
Poone e ngata e sebediswa hona mona lapeng, mme e bolokwa ke balemi e le poone seqong - e leng taba e qobang tlhokahalo ya teranseporoto, ho omiswa le poloko setorong.
Poone ka kakaretso ke sejothollo se hlahiswang ha bonolo, mme boholo ba mosebetsi bo ka etswa ka matsoho (ha eba metjhine e le siyo).
Ha ho etsahala hore poone e teng e be e fetang tekano, poone eo e ka nna ya sebediswa ke lelapa - batho, dikgomo, dinku, ditsuonyana le tsona dikolobe. Poone e lekaneng ya lelapa e ntlafatsa boleng ba bophelo ka mokgwa o bonahalang.
Hobaneng ha ntshetsopele ya molemi e nka nako e telele hakana?
Ha ho letho le bonolo ka bolemi, mme balemi ba kgona tse ngata ka ho ipeha kotsing tse kgolo.
Ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang mobung le diporeisi tse tlase tsa dijothollo di etsa hore ho be boima haholo ho etsa phaello dihlahisweng tse noseditsweng ke pula dikarolong tse ngata tsa Afrika Borwa.
Ditjeo tsa metjhine di phahame ka ho fetisisa.
Balemi ba bahwebi, ba nang le boiphihlelo, ba hula ka thata - ba ntseng ba thuthuha bona ba tla etsa jwang Bona ba tshwere bothata le ho feta?
Re dumela hore ho sebetsa eng ka hara ntshetsopele ya molemi?
Bohle ba amehang ba tshwanetse ho sebetsa ka hlompho, ba phehelle ho ntshetsa pele balemi - bolemi bo shebane haholo le molemi ho ena le masimo a hae.
Simolla ka dijothollo tse bonolo, mme hanyane o nne o atamele ho tse nang le mathata.
Dumella molemi ho simolla ka seo a nang le sona - ho simolla ka masimo a manyane ke taba e seng kotsi. (Hopola hore motho ya ratang ho sebedisa masimo a hae o nnile a tswela pele ho fihlela kajeno ka lethonyana la tjhelete le nnileng la kena. Ha eba motho eo a etsa phaello e nyane hekthareng ya mobu, seo ke tjhelete e ka thoko eo a neng a ke ke a ba le yona. Ka ho simolla hanyane le ho qoba dikotsi, ho etsa se nepahetseng ka nepo, molemi a ka ba le sebete le bokgoni).
O se ke wa qobella molemi ho sebedisa rakonteraka, empa ho molemo ho mo thusa ho hlokomela disebediswa tsa hae tsa temo le masimo a hae ka seo a ka se kgonang ka boyena. Ho ne ho ka ba molemo haholo ha molemi a ka hirisa karolo ya masimo a hae eo a sa e sebediseng ha yena a ntse a hola kgwebong.
Ho kenyelletsa moeletsi ke taba e ntle haholo - empa motho ya jwalo ha se mang kapa mang! Moeletsi ke motho eo ruri a ratang ntshetsopele ya motho ya eletswang, ya tla nka nako ho fana ka tsebo le bokgoni ka mamello le tshehetso yohle. Kamano pakeng tsa moeletsi le ya eletswang e tshwanetse ho ba ntle - e thehwe ho tshepaneng le ho hlomphaneng ha batho ba babedi, mme ke taba ya bohlokwa hore batho bana ba babedi ba ikutlwe ba thabile ho kena kamanong ena hobane ena ke yona taba - kamano. Mane Kapa Botjhabela ho boima ho fumana baeletsi hobane ho boima ho fumana batho bao e kileng ya eba balemi ba bahwebi dibakeng tsa mahae.
Etsa bonnete hore balemi ba dula ba tsebiswa ditaba, mme ba kenyelleditswe mererong. O se ke wa etsa diqeto tse ba amang ntle le bona - "ha ho letho la rona ntle le rona".
Thusa balemi ho etsa tekolo e phethahetseng ya polasi - masimo, diterekere, disebediswa, metjhine, mehlape, dikoloto, maruo, jwalojwalo. Re tshwanetse ho thusa balemi ka mahlakoreng ohle, mme ba tshwanetse ho utlwisisa ka hohle hore eng ke eng. Mohlala, ke kW efe ya matla eo molemi a nang le yona le hore ke boholo bo bokae ba masimo boo a tla bo kgona ka matla a makaalo?
Etsa bonnete hore molemi ke karolo ya lenaneo la kwetliso le ntshetsopele. Ho ba molemi ya feletseng ka hohle, ya nang le bokgoni ba ho hweba ke mosebetsi wa nako e telele, mme diinstitushene tse ngata tse fapaneng di ka kenya letsoho mosebetsing ona.
<fn>Pula Imvula. LandMaize.2010-07-01.st.txt</fn>
Ke fumana mobu jwang?
E nngwe ya dikopo tse etswang kgafetsa ke batho ke ya ho re - "Ke batla mobu. Na o ka nthusa" Karabo ya pele ke "Tjhe". Re le Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, ha re a kena tabeng ya ho thusa batho ho fumana mobu?
Haeba re ne re tshwanetse ho etsa sena, nako e ne e tla ba siyo ya ho etsa letho ka ha e batla e le motho e mong le e mong ya lorang taba ya ho fumana mobu le ho ba molemi. Lenaneong la rona, re fana ka tshehetso ho batho ba seng ba ena le mobu le disebediswa tsa temo.
Ka mora 1994, lefapha le letjha la Ditaba tsa Naha le ile la shebana le lenaneo la ntjhafatso ya mobu ka ho sebedisa mananeo a mangata a fapaneng. Mabapi le puisano ena, re tla bua feela ka ntjhafatso e tadimaneng le mobu, e leng ya kabobotjha, mme re ke ke ra bua ka dikopo tsa ho fumana mobu hammoho le ditlhaphiso mabapi le mobu. Hopola hore lenaneo la rona le shebane le ho matlafatsa balemi ba keneng kgwebong, mme ka baka lena, re tsepamisa maikutlo tabeng ya tlhahiso ya tse tswang mobung ka ho thusa molemi e motjha, ho ena le ya mpang a ipatlela mobu ka mabaka a mang.
Lenaneo la pele la Ditaba tsa Naha e bile Thuso ya Tjhelete ho ba kgutlisetswang mobu (SLAG). Hona ho ile ha tshwana haholo le taba ya matlo moo lelapa ka leng le neng le thuswa ka tjhelete e kana ka R15 000. Ka bomadimabe ha ho polasi e ka rekiswang ka tjhelete e kaalo. Ka hoo, batho ba neng ba batla ho reka polasi ba ile ba tshwanela ho ipopa dihlotshwana hore ba kgone ho reka polasi mmoho.
Mabaka a mangata a etsang hore mokgwa ona o hlolehe ho sebetsa.
Ba unang molemo ba bile le tsebo e fokolang kapa ba hloka tsebo ho hang, mme ba hloka le bona boiphihlelo ba tsamaiso.
Majalefa a ne a sa tlameha ho dula mapolasing.
Lefapha la Ditaba tsa Naha le ile la lemoha hore mokgwa ona ha o sebetse hantle, mme mokgwa ona o ile wa nkelwa sebaka ke sekema sa Kabo ya Mobu Ntshetsopeleng ya Temo (LRAD).
Tekatekano e ne e ka etswa ka thuso e eketsehileng (ho fihlela thusong e phahameng ka ho fetisisa ya R100 000, e leng e kgemang mmoho le diphehiso tsa motho tsa R400 000). Ona e bile mokgwa wa ho hapa batho ba seng ba ile ba ipokellela tjhelete e itseng (hangata ka mokgwa kapa kgwebo e itseng).
Majalefa ha a ka a lebellwa hore a dule mapolasing.
Ha ho bonahala hore mokgwa ona ha o na katleho e kaalo, Lefapha la Ditaba tsa Naha le boetse la hlaha ka sekema se seng se setjha - Sekema sa Teko Phumanong ya Mobu. Hantlentle mokgwa ona o ne o batla hore majalefa a thahasellang a iteke le ho iponahatsa pele a ka fumana (fuwa) polasi.
Mokgwa wa PLAS o sebetsa ka tsela ya hore Mmuso o reka polasi e lokelang ho ajwa. Polasi ena e a bapatswa le ho phatlalatswa, mme batho ba nang le thahasello ba tshwanetse ho fana ka mabaka hore hobaneng ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ba balemi. Nako ya kgiro e ne e le dilemo tse tharo, mme ka mora moo, "mohlokomedi" o dumellwa ho reka polasi ha a se a bontshitse hore a ka kgona ho ba le polasi, kapa "mohlokomedi" eo a ka nna a nkelwa sebaka ke "mohlokomedi" e mong kapa molemi ya ikemiseditseng. Sekema sena sa ntjhafatso ya mobu se itotobaditse ka mathata a mang a mangata.
Bahlokomedi ba tswela pele ka bothata bo leng teng, empa hangata ha ba tsebe tseo ba ka di etsang mapolasing.
Ka nako e nngwe, diterekere le disebediswa tsa polasing di maemong a fokolang haholo, a kang a ho robeha.
Ha re etla tabeng ya dijothollo, ditjeo tsa tlhahiso hekthareng ka nngwe di mathela ho R5 000. Ha molemi a batla ho jala hekthara tse 200 (e leng sebaka se seng seholo ho ya ka tlhahiso ya kgwebo), sena se kenyelletsa matsete a milione o le mong ho kenya peo mobung (ho sa kenyelletswe tjhelete ya ditshebeletso le ya ditokiso tsa diterekere le disebediswa). Molemi ha se monga mobu, mme ho ka etsahala hore ebe ha a eso be le boiphihlelo ba temo. Sena se bolela hore o tla sitwa ho fumana kadimo ya thuso ya tjhelete mabapi le tlhahiso.
A re nke hore mohlomong molemi o na le tjhelete ya ho lokisa diterekere le disebediswa tsa polasi le ho jala dijothollo tsa hae. Na ke bohlale ho sebedisa tjhelete eo e seng ya hae masimong le metjhineng?
Masimong a dijothollo ho sebediswa mefuta e fapaneng ya disebediswa - mohoma, disc, setabodi, ekge ya disc, mohoma wa tjhisele, selemi (cultivator), rotovator, le tse ding.
O mong wa melawana konterakeng e pakeng tsa mohlokomedi le Lefapha la Ditaba tsa Temo o bolela ka ho hlaka hore mohlokomedi ha a tshwanela ho hirisetsa molemi e mong ya hwebang, kapa ho kena tumellanong ya karolelano ya dijothollo le mohwebi e mong. Ntle le tjhelete ya kadimo, le ho se dumellwe ho hweba ka kopanelo le mohwebi e mong, molemi enwa o tla kgona jwang ho ithuta le ho kena ka setotswana kgwebong e phethahetseng?
Ho a hlaka jwale puisanong ena e ka hodimo hore teko ya rona e shebaneng le ntjhafatso ya mobu, e shebane le diphephetso tse ngata, tse hlokolosi. Mathata a mangata ke a sa kang a bonwa e sa le pele, mme mehato ya ho ntjhafatsa lefapha lena la temo e bile e metle.
Mona Afrika Borwa, re na le nalane ya taba tse seng monate. Le ha ho le jwalo, re tlamehile ho otla ditaba phatlantjhotjho, re sa lobe letho. Nakong ya mmuso o fetileng, temo e bile tlasa ba basweu, mme ka baka lena re tlamehile ho kgothalletsa lefapha la balemi ba bahwebi tekong ya ho ntjhafatsa le ho fetola lefapha lena.
Ho tshwanetse ho tshwarahana matsoho le mehato eo Mmuso o e nkang, mme tsena di etswe ka nako e nepahetseng.
Ka baka la maano le mananeo a nako e fetileng, diprojeke tse ngata di ile tsa nyopa le ho putlama ka baka la mabaka a mangata (jwalo ka ha re boletse hodimo mona). Ho hlakile hore Lefapha le letjha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng le Ntjhafatso ya Mobu le rata ho tsoselletsa diprojeke tseo hore mobu o boele o sebediswe ka matla pele ho simollwa ka diprojeke tse ntjha.
Hore diprojeke tsena tse ntjha di tsohe molota, ho bohlokwa haholo hore sesosa sa ho putlama se utlwisiswe - mme sena e tla ba taba e ikgethileng ho ya ka bothata ka bong. Hangata ke taba e bonolo ho ipuela feela hore projeke e putlame ka baka la bosiyo ba tjhelete. Ke nnete, bosiyo ba tjhelete hangata e bile bo bong ba mathata, empa ho akgella tjhelete feela projekeng ho ke ke ha rarolla mathata, empa ho tla baka kgohlano e ntjha ka ha majalefa a seng a lahlehetswe ke thahasello, a seng a nyahladitse projeke, a tla kgutla hape ka tshepo ya hore a tla iphumanela tjhelete projekeng e tsohang molota.
Ho thusa feela balemi ba ikemiseditseng ho dula mapolasing. Bolemi ha se mofuta wa kgwebo oo motho a ka o etsang e le karolo ya nako ya hae (part-time).
Ho kenyelletsa majalefa lenaneong la ntshetsopele la kwetliso le bokgoni, le leng tlasa tsamaiso ya mekgatlo ya dihlahiswa ya yunione ya balemi ba selehae, e le hore ho fumanwe balemi ba batjha ba ka hokahanngwang le lefapha la kgwebo ho tloha qalong.
Hore phetoho le ntjhafatso temong e sebetse mona Afrika Borwa, re tlamehile ho tshwarahana matsoho, re ithute ho tshepana, re kopanye lefapha, mme re etse hore temo e nke taolo jwalo ka lejwe la motheo la ikonomi temong.
<fn>Pula Imvula. Loan.2010-07-01.st.txt</fn>
Kadimo - seo o se batlang le se batlwang ke mokgatlo o adimanang ka tjhelete?
Kaofela ha rona re tshwanela ho adima tjhelete ka nako e itseng - haholoholo kgwebong ya temo matsatsing ana. Nnete ke hore ho batla ho sa kgonahale ho tsamaisa kgwebo ntle le ho sebedisa tjhelete e adimilweng. Phephetso ke ho se adime tjhelete eo kgwebo ya hao e ka sitwang ho e kgutlisa hape!
Hopola, ha o adima tjhelete e ngata, mme o nka nako e telele ho kgutlisa sekoloto, ditshenyehelo tsa kadimo eo eba tse phahameng.
Tswala - Hona ke sekgahla seo motho a se lefiswang mabapi le tjhelete eo a e adimilweng. Hangata sekgahla sena se hlahella e le peresente ya selemo ya tjhelete e adimilweng. Sekgahla hangata ha se a ema nqa e le nngwe, mme se ka nna sa fetoha ka baka la maano a infoleishene kapa a mmuso.
Tjhelete - Ena ke yona tjhelete eo hantlentle ho adimanweng ka yona mabapi le sepheo se itseng se hlalositsweng moralong wa kgwebo.
Kadimo ya nako e mahareng ya R100 000.
Kadimo ya dilemo tse hlano ya R100 000 kaofela e jele R130 000, mme kadimo ya dilemo tse 10 ya R100 000 e jele R155 000. Ho hlakile hore motho o tla ba le ditshenyehelo tsa R24 000 ka hodimo ha a adima R100 000, mme a eketsa ka dilemo tse ding hape tse 5.
Hangata meralo ya kgwebo ka ho otloloha e shebane le ho fumana tjhelete mabapi le kgwebo. Moralo wa hao o tla kenyelletsa lenane la tseo o di phehelletseng, tseo o tla simolla ka tsona, le tjhelete ya tsona ho bontsha hore o ile wa hlahloba ka moo kgwebo ya hao e tla kenya tjhelete ka teng, le ka moo e tla tswela pele ka teng ka kadimo eo ya tjhelete nakong e tlang. Moralo o tshwanetse ho bonthsa ka ho hlaka ka moo o tla bopa kgwebo le ho e tsamaisa ka teng, mme sena se tshwanetse ho totobatswa ka mokgwa o tla hapa maikutlo le tshepo ho ba lebelletsweng ho adimana ka tjhelete. Taba ya hore o na le bokgoni le yona e lokela ho hlahella.
Ho phalla ha tjhelete ho bonthsa ho phalla ha tjhelete e kenang akhaontong ya hao hammoho le ditshenyehelo tse lefshwang di etswa akhaontong eo. Sena se etsa hore ba adimanang ka tjhelete ba bone hore ke kgweding dife moo tjhelete e kenang le hore ditefello tsa hao tsa tjhelete ya kadimo di tla ba le sekgahla sefe tjheleteng e kenang. Ho boetse ho bohlokwa haholo hore o fane ka tlhaloso yohle ho ya ka diakhaonto tsa hao - le ha eba diakhaonto tseo di le dibankeng/mekgatlong e fapaneng. Ke mofuta o mong wa boshodu ho etsa kopo ya kadimo ya tjhelete o sa pepese maemo ohle a hao a ditjhelete.
Dibanka ha di a dumellwa ho adimana ka tjhelete ho motho ya ka nnang a hloleha ho lefa sekoloto sa hae. Sena se tshireletsa banka le yena ya adingwang tjhelete. Ha o hloleha ho lefa tjhelete eo o e adimilweng, sena se beha ka mosing nalane ya hao ya kadimo ya tjhelete, mme o ka nna wa phatlalatswa o le motho ya kotsi, ya sa lokeleng ho adingwa tjhelete (blacklisted). Ha ho motho ya ratang ho ba le ntho e jwalo rekotong ya hae, haholoholo ha o tseba hore nakong e tlang o ka nna wa tshwanela ho adima tjhelete hape! Mehato ena ya tshireletso ke yona eo hantlentle e ileng ya "tshireletsa" dibanka Afrika Borwa nakong ya ho putlama ha moruo ka 2009. Dinaha tse ngata lefatsheng di ile tsa lahlehelwa ke dibilione hobane batho ba ile ba iphumana ba hloleha ho lefa tjhelete ya kadimo. Molao wa Naha wa Sekoloto o moo ka sepheo sa ho thibela batho ho sebedisa tjhelete eo ba se nang yona. O moo ho thusa dibanka hore di laole sekoloto se seholohadi seo naha ena e nang le sona, le ho kgina kadimiso e bohlaswa e ka etswang ke dibanka.
Ho bohlokwa hore balemi le bomanejara ba sebedise batho ba profeshene ba ka ba eletsang mabapi le ditaba tse ikgethileng tse mabapi le ditjhelete tse shebaneng le thuso ya mapolasi a bona, e leng batho ba utlwisisang taba tsena tse rarahaneng tsa thuso tsa ditjhelete mapolasing. Ho ke ke ha lebellwa hore balemi ba tseba tsohle mabapi le ditaba tsena tsa sethekgenike, tsa ditjhelete, tse ka thusang tsamaisong ya ditaba tsa ditjhelete tsa mapolasi a bona.
Ho bohlokwa hore jwalo ka banna bohle ba kgwebo ba adimang tjhelete, balemi le bona ba bontshe hore ha nako e ntse e tsamaya le bona ke batho ba tshepahalang. Haeba ho ka ba teng ho dieha ho itseng mabapi le tefo ya molato, sena se tshwanetse ho tshohlwa kapele le ba adimaneng ka tjhelete e le hore ditlhophiso di etswe.
Matsete afe le afe a etswang ka tjhelete e adimilweng ka mehla e batla e le taba e bolelang hore molemi ntle le tikatiko o kena tshebetsong ka sepheo sa hore a tle a fumane kuno e itseng ka moso. Molemi o tshwanetse ho ipotsa potso ya hore na o na le bonnete ba hore matsete a hae a tla atleha ho mo fa ditholwana tse ntle tseo a di lebelletseng na. Ka ho qolleha, mabapi le ho jala poone sehleng se setjha seo a yang ho sona, ho tla hlokahala hore a shebisise taba tsa hae hantle ka hloko ho bona haeba ho le molemo ho jala poone nakong ya jwale ho ya ka ditheko tsa jwale tsa mmaraka le boemo ba ditshenyehelo. Ha ho bohlale ba letho ho eketsa bothata hodima mathata a mang a jwale ka ho etsa tlhahiso e fetang tekano jwalo ka ha e le boemo ba ditaba kajeno hobane sena se ka nna sa bolela hore re ipeha ka mosing wa ditheko tse putlamang ho ya pele - haholoholo ha re ena le sejothollo se setle sa 2010 - 2011. Hape ha se kelello e ntle ya kgwebo ho adima tjhelete mabapi le mehato e kotsi e kang ena.
Ditaba tsa ditjhelete di rarahane, mme ha se ka mehla ntlha e monate ka ho fetisisa ya ho tsamaisa kgwebo. Balemi ba bangata ba bona ho le molemo ho lokisa terekere mane ka ntle ho ena le ho dula tafoleng moo ba sebetsanang le calculator. Le ha ho le jwalo, ho nyahlatsa dintlha tsohle tsa tsamaiso ya ditjhelete ho ka nna ha bolela hore haufinyana ho ke ke ha eba teng terekere e lokiswang le yona polasi e ka sebetswang! Balemi ba tshwanetse ho ba le setshwantsho se hlakileng sa boemo ba bona ba ditjhelete ka nako tsohle, mme ba se ke ba tsilatsila ho hira ditsebi neng kapa neng ha ho hlokahala.
<fn>Pula Imvula. PestMaize.2010-03.st.txt</fn>
Photo 1: Tahlehelo di kgolo ka baka la tlhaselo ya sesedi.
Photo 3: Sebokonyana se ntseng se hola se ipata karolong e hlahelang ka hodima mobu ya semela nakong ya mariha.
Sephunyakutu sena se dula se le teng ka mehla moo poone e lengwang teng Afrika - kokwanyana ena ke ya lehae la Afrika, mme mefutafuta e mengata ya jwang e thusa saekeleng ya yona ya bophelo.
Polelo e akaretsang ke ya hore sephunyakutu sena se baka tshenyo ya 10% dijothollong tsa poone, empa le yona tshenyo kapa tahlehelo e phethahetseng ya dijothollo e ka nna ya eba teng. Sebokonyana se ntseng se hola (larvae) se itjella mahlaku, kutu le ditsejana tsa semela sa poone.
Kutlwisiso ya dintlha tsa bohlokwa tsa saekele ya kokwanyana e a hlokahala e le ho fihlella diqeto tse nepahetseng mabapi le taolo ya yona. Seboko se seng se hotse se ipata ka hara kutu ya lehlaka le siilweng la poone masimong nakong ya mariha. Tsena hamorao di tla fetoha leloko la pele la mofuta wa mmoto le tla behela mahe a tla qhotswa ka mora matsatsi a supileng ho isa ho a leshome.
Sebokonyana se ntseng se hola se ja nakong ya dibeke tse tsheletseng, mme ka mora moo se nka sebopeho se setjha, e leng sa 'pupae' ka hara kutu ya semela sa poone. Ka mora beke tse tharo, leloko la bobedi la mmoto le hlaha ka palo e kgolo ho feta la pele kapa la boraro.
Ho ya ka kgwebo, ho teng mehato e mengata e fumanehang ho laola sephunyakutu sena. Tsena ke taolo ka dikhemikhale, kgetho ya mofuta wa peo, ditlwaelo tsa setso le taolo popehong. Mehato ena ya taolo ha se tiisetso e phethahetseng ka hohlehohle, empa e thusa ho fokotsa tlhaselo le ho tlisa kgonahalo ya tlhahiso e tshwarellang ya poone.
Dikhemikhale tse ngodisitsweng ho laola diphunyakutu tsa poone di mefuta e mmedi; ke dibolayakokwanyana tse sebetsang ka ho ama kapa ho sebetsa semeleng.
Kgopolo ya hore dihlahiswa tse theko e phahameng di hlwahlwa tshebetsong ya tsona ho feta tsa theko e tlase, ha se nnete, ka ha dihlahiswa tse ding tse theko e tlase di ntse di sebetsa ka mokgwa o motle, o babatsehang. Polelo e reng taolo e ka nna ya nka bolelele ba dibeke tse tsheletseng le yona e batla e ena le kgwao e itseng. Ka baka la ditjeo tse phahameng tsa taolo ka dikhemikhale, balemi ba tshwanetse ho etsa bonnete ba hore nako ya tshebediso ya tsona ke e nepahetseng. Ho fafatsa ka hloko ka nako e telele ho tiisitse hore ha ho hlwahlwa hakaalo, mme ka hoo, ha ho kgothaletswe. Mehato ya taolo ka dikhemikhale e tshwanetse ho nahanwa ha 10% ya masimo e bontsha matshwao a tlhaselo, e leng se iponahatsang ka ho kang 'tshenyo ya sefako', moo dibokonyana tsa "larvae" di bonahalang di jele mahlaku.
Tshebediso ya mamello ya mohato wa 10% e boetse e molemong wa nako e nepahetseng mabapi le tshebediso ya dibolayakokwanyana. Tshebediso e le nngwe e ka nna ya haella ka ha tlhaselo e boelang e ipheta hape hamorao e ka nna ya etsahala. Sehleng sa morao, jwalo ka sena, kgothaletso ke hore ho hlahlojwe boteng ba sebokonyana se senyane sa "larvae" hang feela pele dikutu di eba le dipalesa tse leketlang ho tsona. Ha "larvae" tsena tse nyane di sa laolwe, di ka nna tsa kgannela tshenyong e phethahetseng ya ditsejana. Taolo e batlang e le ntle e ka nna ya fihlellwa ho fihlela ho 50% ya ho leketla ha dipalesa kutung.
Ho kenngwa ha mofuta wa peo ya poone ya Btho fokoditse tlhokeho ya taolo ya dikokwanyana ka thibelo ya mefuta ya peo e nang le matla (gene) ana a ho thibela tlhaselo ya sephunyakutu. Matla ana a thusa ho hlahisa tjhefo e kotsi dibokong tsena tsa "larvae".
Ho thibela tswelopele ya kganyetso, kgothaletso mabapi le bongata ba poone eo e seng ya Bt e lokelang ho jalwa mmoho le ya Bt, ho tshwanetse ho ipapiswa le yona. Ha se mefuta yohle ya peo e nang le matla (gene) a Bt e nang le thibelo ka ho lekana kgahlanong le tlhaselo ya sesedi, mme sena se tshwanetse ho hopolwa ka mehla ha ho etswa kgetho ya mefuta ya peo bakeng sa sehla ka seng.
Bahlahisi ba tshwanetse ho ela hloko nako ya matsatsi a leshome eo ka yona dikutu di bang le dipalesa. Ena ke nako eo diboko tse nyenyane tsa "larvae" di simollang ho itjella ditetswana/metjeketla. Nakong ena tjhefo e batla e sa loya haholo (e le metsi haholo) ditetswaneng ka baka la metsi a mangata hoo tse ding tsa dibokonyana di kgonang ho sala di ntse di phela. Tshenyo kutung ka baka la dibokonyana tsena tse salang di phela, ke e bonahalang nakong ya kotulo, empa ka ha tshenyo ke e etsahetseng mohatong o moraorao, hona ho tla ba le tshwaetso e nyane kotulong. Dibokonyana tsena e tla ba tsona tse etellang pele mmoto wa pele wa sehla se hlahlamang. Ha o etsa kgetho pakeng tsa taolo ka dikhemikhale le mefuta ya peo ya Bt, ditjeo tse pahameng tsa mefuta ya Bt di tshwanetse ho elwa hloko.
Ho phetholwa ha mobu mariha ho qetellang ho siile masalla ka hodima mobu ho tla thusa ho fokotsa tlhaselo ya sesedi sehleng se hlahlamang ka ho pepesetsa diboko tse nyane tsa 'pupae' serameng sa mariha le direng tsa tlhaho, e leng se qetellang ka phokotseho palong ya diboko tsena. Ho lema le ho phetholella masalla ka mokgwa o tebileng mobung ho tla thibela mmoto hore o se hlahe nakong ya sehla se hlahlamang.
Tse phelang ka tse ding (dinwamadi), tse itjellang diboko tse nyane tsa "larvae" hammoho le mahe, le tsona di ntse di le teng, empa tshwaetso ha se e bohlokwa mabapi le kgwebo. Jwang ba Napier bo kgethwang ho jalwa le poone bo sebediswa e le mokgwa wa ho laola baleming ba ntseng ba thuthuha. Le ha ho le jwalo, ha ho lebaka la hore hobaneng ha balemi ba bahwebi ba sa sebedise tlwaelo ena, ka ha jwang ba napier ke furu e ntle haholo ya diphoofolo. Taolo ya setso le ya ho bolaya diboko di fetwa ka bohlwahlwa ke taolo ka dikhemikhale le ka theknoloji ya Bt.
Ke nnete hore tahlehelo e phahameng di bakwa ke tlhaselo ya sephunyakutu (sesedi). Mehato ya taolo hammoho le tsamaiso e ntle mabapi le dijothollo di bohlokwa haholo phokotsehong ya tahlehelo.
<fn>Pula Imvula. PlanningMaize.2010-06.st.txt</fn>
Dijothollo tsa sehla se fetileng ha di eso kotulwe, empa ditokisetso ka botlalo tsa sehla se hlahlamang di se di simollotse. Ke nako e ntle ena ya ho thuisa ka tse etsahetseng sehleng se fetileng le ho hlahloba mekgwa e fapaneng ya tsamaiso mmoho le dintlha tsa tlhahiso tse bileng bohlokwa taolong ya boleng bo qetelletseng le kunong ya dijothollo. Haeba direkoto tsa nalane ha di a ka tsa bolokwa mabapi le masimo a mang le a mang, jwale ke nako ya ho sebedisa dintlha tse fumanweng lemong se fetileng hore o tswele pele ka ho sebedisa mokgwa wa ho boloka direkoto.
Direkoto tsa motheo tsa dintlha tse latelang tsa masimo di tshwanetse ho bolokwa le ho dula di ntjhafatswa selemo le selemo: lebitso la polasi, setereke sa polasi, area kaofela, dibaka tsa mobu o ka lengwang, makgulo a mehlape, makgulo a ntlafaditsweng, ho nosetsa, sebaka sa bodulo, dibaka tsa tshireletso ya mehlape le meaho.
Masimo a mang le a mang polasing a ka hlahlojwa ka tsena tse latelang: area ya naha, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, monono wa mobu, phetoho ya boemo dilemong tse ngata. (Haeba di fumaneha diphethong tsa hlahlobo ya mobu), phapanyetso ya dijothollo le ditokisetso tsa phapanyetso ya dijothollo, dijothollo tsa ho qetela tse lenngweng (ho kenyelleditswe matsatsi a ho jala), mofuta wa peo, sekgahla sa ho mela ha peo, palohare ya pula, pula e bileng teng nakong ya ho tlohelwa ha masimo a sa lengwe mabapi le dijothollo ka nngwe tse ileng tsa jalwa, pula e bileng teng nakong ya ho hola, taolo ya mahola e ileng ya etswa (ho kenyelleditswe dikhemikhale le sekgahla sa tshebetso se ileng sa fihlellwa le bohlwahlwa ba yona), dibolayakokwanyana tse ileng tsa sebediswa, le katleho ya tsona, kuno ya dijothollo le boleng ba tsona.
Ditjeo tsa manyolo ke e nngwe ya ditjeo tse otlolohileng tsa sehlooho lenaneong la ho hola ha dijothollo. Katleho ya tshebediso ya lenaneo le rerilweng la manyolo sehleng ka seng le tse hlahlamang ke yona e tla laola kuno tse phahameng ka ho fetisisa. Ho hlokolosi ho tseba boemo ba mobu wa hao, haholoholo ka mora sejothollo se hlahisang kuno e phahameng, hammoho le pula e fetang tekano e bileng teng mabatoweng a itseng, eo mohlomong e hohotseng menontsha e meng ya bohlokwa ya dimela. Ho sehlafala ho bakwang ke kgaello ya nitrojene le sulphur ho ile ha totobala mabatoweng a mangata a temo sehleng sena se fetileng. Mabapi le sejothollo se ka hodimo, menontsha e lahlehileng e tshwanetse ho kgutlisetswa ho tiisa hore sejothollo se hlahlamang se fihlella kuno e lebelletsweng.
Ka sena kelellong, disampole tsa mobu di tshwanetse ho nkuwa masimong a mang le a mang a lehlabula, le ho iswa tekong. Hang ha qeto e se e nkilwe ya hore ke dijothollo dife tsa sehlooho tse ilo jalwa - poone, soneblomo, dinawa tsa soya, mabele, matokomane, ditapole, sugar beans, kapa sejothollo sefe le sefe - diphetho tsa diteko di ka sebediswa ho rala mehato e phahameng ya menono, e leng e hlokahalang ho fihlella kuno e ntle ya sejothollo ka seng. Sejothollo ka seng se hloka kgothaletso e ikgethileng ya menontsha ya sona. Ditheko tsa nako e tlang ya mebaraka le taolo ya ho qoba dikotsi ke tsona tse tla laola hore ke metswako efe ya dijothollo e tla lokela tshebetso ya hao ya temo.
Mehato e mmalwa e tshwanetse ho latelwa hore lenaneo le nepahetseng la teko ya kalaka le manyolo le tle le lokele tshebetso ya masimo a hao. Tsena di kenyelletsa pokello e nepahetseng le tlhokomelo ya disampole tsa mobu, mehato e nepahetseng ya diteko, ditataiso tse fupuditsweng ka mokgwa o batsi mabapi le hlaloso e utlwahalang ya diphetho, ntshetsopele ya dikgothaletso tse nepahetseng tsa sekgahla sa menontsha hammoho le ho kenyelletswa ha ditlhoko tse kgothaletswang tsa menontsha lenaneong le akaretsang la tlhokomelo ya menontsha.
Sepheo sa diteko tsa mobu ke ho lekanya bokgoni ba mobu ho fana ka menontsha e hlokahalang dijothollong tse ntseng di hola le ho sibolla mathata a ka bang teng a mobu a ka sitisang kgolo e ntle le tswelopele ya dijothollo. Teko ya mobu mabapi le letsopa e boetse e dumella sekgahla se nepahetseng sa dibolayalehola lenaneong la taolo ya mahola.
Ho bohlokwa ho nka sampole ya boemedi masimong a mang le amang. Sampole ya ho qetela e romellwang laboratoring e ka nna ya ba le boima ba 0,5 kg, eo ho yona e ka bang feela grams tse seng kae tse tla sebediswa/hlophollwa. Ka baka lena, ho hlokolosi ho arohanya mebu e nang le botebo bo fapaneng, le mefuta e fapaneng, le dibaka masimong tse sa emeleng masimo kaofela. Teko e molemo feela jwalo ka sampole e nkilweng masimong. Hopola hore ho teng phapang e kgolo mobung wa masimo. Nakong e fetileng, sampole e nkilweng dihekthareng tse ding le tse ding tse leshome e ne e nkuwa hore e lekane. Le ha ho le jwalo, matsatsing a kajeno, kgothaletso ke hore ho rekwe kapa ho adingwe boro, mme ho tsamauwe ka mokgwa wa paterone ya zigzag masimong ohle ho tloha hodimo ho ya tlase ka batho ba babedi, e mong a jere mokotla wa sampole ka nngwe, le ho nka karolwana ya botebo bo pakeng tsa 15 cm le 20 cm, empa eseng ho feta 20 cm.
Haeba ho sebediswa mokotla wa kgale wa manyolo, etsa bonnete hore o hlanoletswe, ka ha thollo e le nngwe ya manyolo e lekane hore e ka baka phapang diphethong tsa teko. Ka ha dithootse di le ngata tse batlwang, tse ka nkuwang di le ngata, mohlala, dimithara tse ding le tse ding tse 100 ho isa ho 200, ha motho a ntse a tsamaya a entse zigzag. Nka disampole pakeng tsa mela e jetsweng ya dijothollo tsa nako e fetileng e le sebaka moo dimela tse mmalwa di neng di ka bonahala e le tsa monono o phahameng. Sampole ena e bokelletsweng jwale e tswakanngwa ka ho phethahala, mme sampole e ka etsang 500 grams e nkuwa dibakeng tse fapaneng hape ka hara mokotla, mme e behwa ka hara lebokose le tswang laboratoring ya teko ho tiisa hore boemedi bo kgotsofatsang bo romellwa laboratoring.
Lebokose la sampole le tshwanetse ho tshwauwa ka mokgwa o hlakileng ka nomoro ya masimo, lebitso, aterese ya polasi, dinomoro tsa mohala le letsatsi la sampole ho qoba taba ya pherekano e ka bang teng laboratoring. Ka mehla ho molemo ho phetha sena masimong e le hore ho se be teng taba ya ho fapana ha disampole ka phoso.
Haeba karolo ya masimo e hlahisa kgolo e ntle e sa tlwaelehang hammoho le kuno e ntle, keletso ke hore ho nkuwe sampole e ka thoko masimong ana. Sampole ena, ha e bapiswa le sampole ya tlwaelo, e ka sebediswa ho bontsha ho se lekane ho itseng ha manyolo karolong eo jwale e ka hlaloswang le ho lokiswa.
Disampole tsa mobu ha di a lokela ho bokellwa dibakeng tse sa tlwaelehang jwalo ka dibakeng tse phahameng, diforong, dibakeng tsa kgale tseo ho neng ho bokelletswe manyolo ho tsona, dibaka tse tlase haholo, tse maqhutsu kapa tse hoholehileng.
Ho ya ka sethekgenike ho a kgonahala ho sebedisa Global Positioning Systems (GPS) ho hlwaya dintlha mokgweng wa kerite (grid) pakeng tsa dimithara tse 0,5 ho isa ho tse nne tsa sebaka se mateanong (crossing points) papetlwaneng ya setshwantsho sa kerite, kapa ho phatlalleng ha disampole papetlwaneng ya kerite. Disampole jwale di ka nna tsa bapiswa kgafetsa nakong e tlang, mme diphetoho tse fapaneng mabapi le dintlha tsa monono wa mobu di ka dula di behilwe leihlo ka nepo nakong e telele. Dintlha tse bokelletsweng di ka fihlellwa ka mokgwa wa Ground Information System (GIS) e le hore tjhate ya mmala, ya masimo e bontshang pH, calcium, magnesium, phosphate, sulphur, nitrogen micro nutrients hammoho le dintlha tse ding tsa teko ya mobu, di ka hlahella, e leng tse bontshang ka ho hlaka ho fetofetoha ho itseng kapa ho nama ha bothata bo itseng bo leng teng masimong. Dibakeng tse ngata di-pivot centre di dula di hlahlojwa ka mokgwa wa kerite ho ya ka hekthara tsa masimo.
Nako e ntle ka ho fetisisa ke eo o tla beng o etsa mosebetsi o motle, ha o kgona ho etsa qeto ka seo o se bonang, e leng ho arola masimo dikarolo tse lekanang tsa ho etsa disampole, hape le ka yona nako eo selemo le selemo ka mora kotulo, kapa ntlheng yona eo nakong ya phapanyetso ya dijothollo. Ho molemo ka mehla ho romella disampole mabapi le tlhophollo nakong eo mosebetsi wa dilaboratori o seng mongata haholo. Lebelo la sehla se tlang sa hlabula le ba teng hangata nakong ya Loetse le Mphalane selemo le selemo. Mehato e tla nkuwa e tshwanetse ho etswa ka nako ka ho ikopanya le baemedi ba thusang ka dikgothaletso mabapi le manyolo.
Mabapi le mebu e mengata e tla etswa diteko tsa phosphates (P), potassium (K), organic matter le pH, disampole tsa mobu di tshwanetse ho nkuwa botebong bo le bong ba 0 cm - 15 cm. Ho itshetlehilwe ka ho teteana ha bokahodimo ba mobu, botebo bo nepahetseng e ka ba ba 0 cm - 20 cm.
Hlokomela hore mokotla wa sampole o supa ka ho hlaka masimo ao sampole e tswang ho ona, le hore mokotla o na le nomoro ya ona e ikgethang. Mekotla e tshwanetse ho kwalwa ka nepo, e tloswe moo motjheso o leng mongata, e behwe moo ho phodileng, mme e romellwe laboratoring kapele.
Sesebediswa bonyane se hlokahalang ho nka disampole ke mmapa wa polasi, dintlha tse supang mefuta ya mebu, dintlha tsa GPS (haeba di hlokahala), diboro tse nepahetseng tsa mobu, kapa dikgarafu (haeba ho batlwa botebo bo le bong bo sa fetoheng), mekotla ya sehlooho ya disampole, mekotla ya laboratori ya mobu, dipene tsa ho tshwaya mabokose hammoho le direkoto tsa naha/polasi.
Dilaboratori tse baballehileng tse ka sebediswang ke tse sa hokahanang le khamphane efe kapa efe e itseng - diphetho tsena di lefellwa ke molemo, mme ka baka lena di fetoha thepa ya molemi. ARC e na le dilaboratori tse ntle haholo tse ka sebedisetswang mosebetsi ona. Ka bomadimabe, dikhamphane tse itseng tsa manyolo di etsa dihlophollo ntle le tefo ya letho, empa di nehelana feela ka diphetho ho molemi haeba molemi a reka manyolo ho tsona.
Dilaboratori tse ngata di na le sehlotshwana sa diteko tseo ka tlwaelo di etswang e le diteko tsa motheo tse lefellwang ka theko e kgotsofatsang haholo ha di bapiswa le bohlokwa ba diphetho.
Kgothaletso ke hore o kope diphetho tse latelang lethathamong lena e le hore setsebi sa mobu kapa moemedi a kgone ho fana ka keletso e ntle hoba a hlahlobe diphetho tsa teko ya mobu hammoho le kananelo ya mobu masimong a hao, le maemo a tlelaemete a moo masimo a hao a leng teng. Diteko tsa P, K, Ca, Mg, Na hammoho le peresente ya bongata ba esiti hammoho le tse latelang, tse hlokang kopo e ka thoko, S (haeba laboratori e ena le sesebediswa sa ho etsa teko ya sena), Zn (HCL), peresente ya letsopa le ditlhoko tsa kalaka, bonyane.
Hangata ditjeo di teng tse tsamayang mmoho le tlhophollo ya disampole tsa mobu - empa hopola hore ka ho lefella makgolo a seng makae a diranta ho ka nna ha o qobisa taba ya ho lahlehelwa ke dikete tsa diranta tlhahisong ya dijothollo. Ho molemo haholo ho nka disampole selemo le selemo ho ena le ho boloka tjhelete e nyane, mohlomong le ho sebedisa mofuta o fosahetseng kapa bongata bo fosahetseng ba manyolo.
<fn>Pula Imvula. ProfitsMaize.2010-06.st.txt</fn>
Ho eketsa boleng - na ho ka eketsa phaello?
Mosebetsi wa keketso ya boleng ka nako e nngwe ke o atlehileng ho balemi mabapi le ho eketsa phaello ya bona le ho boloka temo ya bona e le maemong a hlwahlwa. Ka bokgutshwanyane, ho eketsa boleng kapa "keketso ya boleng" ke ho eketsa boleng tlhahisong e etswang.
Ho eketsa boleng ke eng?
Ho eketsa boleng dijothollong ho bolela ho kena ka setotswana lethathamong la ho sebetsana le tlhahiso temong ka mokgwa o itseng. Sena hangata se hloka hore molemi a tsetele mesebetsing e meng e kenyelletsang ho eketsa thuso ya matsoho ka ho hira, kapa ho reka disebediswa tse ding. Mona ho hlokahala hore dintho di etswe ka hloko ho nnetefatsa hore phaello e ba teng ha mosebetsi wa ho eketsa boleng o se o entswe. Ho feta mona, mehato ena e se ke ya etswa hang feela - ditheko tse tswileng taolong hammoho le mebaraka e dulang e fetoha ke dintho tse etsang hore meralo eo motho a e entseng e dule e fetoha hoo ka nako tse ding mosebetsi ya keketso ya boleng o bang le kuno e itseng, mme ka nako tse ding ho se be jwalo.
Hobaneng ha balemi ba tshwanetse ho ikamahanya le mosebetsi wa keketso ya boleng?
Hangata balemi ke baamohedi ba ditheko, eseng balaodi ba ditheko. Sena se bolela hore bareki ke bona ba laolang ditheko, mme balemi ha ba na matla a ho rekisa ka ditheko tseo ba di batlang. Qetellong ya ditaba, balemi ba tlameha ho batla mekgwa e kgonahalang, eo ba ka unang boleng ba dijothollo tsa bona hoba di tlohe masimong a bona. Sena ba ka se etsa ka ho boloka le ho hlokomela mosebetsi wa tlhahiso masimong le dibakeng tseo ba leng ho tsona ka moo ba ka kgonahalang ka teng hore ba etse phaello.
Ditheko tsa jwale tsa 2010 tsa poone di putlame haholo, mme balemi ba poone ba tshwanetse ho nahana ka mekgwa ya ho ntlafatsa kuno ya bona ya dijothollo. Mohlala, ho ka meralo e ka thusang motho ho tseba bokgoni ba phaello ka ho kenyelletsa boleng tshilong ya poone e reretsweng ho etsa phofo ya poone.
A ke re etseng moralonyana, mme re nke hore tone e le nngwe ya poone e tshweu e ka rekiswa ka R1 000,00. Bakeng sa ho rekisa tone ena ya poone ho batho ba selehae, monghadi Molemi a ka etsa hore poone ya hae e tshweu e be phofo e ka jewang ke batho. Hona a ka ho etsa ka hore yena ka boyena a e sile lelwaleng la hae, kapa a e ise lelwaleng le haufi moo e ka silwang teng, mme ebe hamorao o iphumanela phofo e seng e kentswe dipaketheng.
Monghadi Molemi a ka nahana ka menyetla ya nako e telele ya ho itshilela poone polasing ya hae, le ho ba Ralelwala ka boyena.
Na o na le sebaka polasing ya hae kapa o tshwanetse ho hira sebaka?
Ke melao efe ya bophelo bo botle eo a tla tshwanela ho ikamahanya le yona, mme seo se tla mo ja bokae?
Ke disebediswa dife tseo a tla di hloka, le hore na seo se tla mo fetohela molemo nakong e telele, mohlala, malwala, dikala, diboro, metjhine e tswakang, le metjhine e rokang mekotla, jwalojwalo?
Ke ditshelo dife tse tla hlokahala, mme mekotla eo a ka e fumana hokae?
Ditshenyehelo e tla ba dife tsa mekgabiso ya logo, dileibole le ditempe?
Na o tla hloka basebeletsi ba nako e telele?
Mmaraka wa phofo ya poone o tla ba hokae?
Re tshwanetse ho hlokomela hore ona ke mosebetsi wa nako e telele o qobellang Monghadi Molemi mosebetsing wa tshilo ya poone.
Mokgwa o mong hape ke wa hore Monghadi Molemi a nke poone ya hae, a e ise lelwaleng le haufi moo e ka silwang hore e be phofo ya poone. Mokgwa ona o bolela hore a ka kgetha ho etsa tjena ha ditheko tsa poone di putlame haholo hoo a batlang ho fumana mokgwa wa ho matlafatsa phaello ya hae dijothollong tsa hae, kapa a ka rekisa poone ya hae e ntse e le jwalo haeba ditheko tsa mmaraka di kgotsofatsa. Hona ha ho hloke matsete a ditjhelete, mme ho fupere monyetla wa keketseho ya boleng. Molemi e mong le e mong o sa ntse a tshwanetse ho ja masapo a hloho ho ya ka tikoloho eo a leng ho yona.
20% ya tahlehelo hobane theolelo ya dihlahiswa tsa tlatsetso tsa bran le harmony di bolokwa ke Monghadi Monga Thepa e le karolo ya lekgetho la tshilo.
Sena se bolela hore ke tla fumana 800 kg ya phofo ya poone ho 1 000 kg ya poone ya ka.
Ho sa boetse ho na le R320 ya tlatsetso, e leng ya lekgetho mabapi le ditshebeletso tseo Monghadi Monga Tshilo a fanang ka tsona.
Empa 800 kg ya phofo ya poone mekotleng ya boholo bo nepahetseng eo ke e hlokang, eo ho yona ke kopang Monghadi Monga Lelwala hore a e kenye mekotlaneng, e ka rekiswa bonyane ka sekgahla sa jwale sa R2,20 kg mokotla ka mong.
Ho thehwa mesebetsi selehaeng.
Ho sa na le mekgwa e mengata e ka sebediswang mabapi le keketso ya boleng. Na ho na le molemo wa letho mabapi le ho sebedisa poone ya Monghadi Molemi phepong ya ditsuonyana, dikolobe, dinku kapa dikgomo Melemo ke efe ho balemi ba poone haeba ho kgothaletswa indasteri ya poone-ethanolo Na Monghadi Molemi o tla fumana tjhelete e ngatanyana mabapi le dijothollo tsa hae tsa poone qetellong ya lethathamo la keketso ya boleng leo a keneng ho lona Re tla ke re shebisise haholwanyane tse ding tsa ditshebetso tsena haufinyana?
<fn>Pula Imvula. Soil1.2010-07-01.st.txt</fn>
Setshwantsho sa 1: Ditlamorao tsa ho teteana masobaneng a mobu.
Setshwantsho sa 2: Metso lehlakoreng le letshehadi la setshwantsho e bontsha kgolo e sa kginehang ha ka letsohong le letona la semela metso e bontsha kgolo e kginehileng ka baka la dikarolo tse fapaneng tsa ho teteana mobung.
Setshwantsho 1: Setshwantsho sa lerothodi la pula le welang mobung o metsi se bontsha sekgahla sa tshenyo.
Setshwantsho 2: Nakong ya ho oma, bokahodimo bo bopa lekgapetla le thibelang ho feta ha kgase kapa ho monyela ha mongobo sekgahleng se hlahlamang sa pula.
Setshwantsho 3: Hlahloba ka hloko mobu wa hao hore na ha o na metsi a fetang tekano, mme o tlose mehlape, o e ise makgulong a mang. Hang ha mobu o boetse o omme, o ka boela wa fudisa mehlape moo.
Ho teteana ha mobu ho etsahala ha dikarolwana tsa mobu di penyeletswa mmoho, mme masobana a leng dipakeng a eba manyane. Mebu e teteaneng haholo e na le masoba a mmalwa, a maholwanyane, mme e na le sekgahla se fokotsehileng sa ho thopothela ha metsi le ho monngwa ha ona ha a tswa lekgapetleng le thata le teteaneng. Phapanyetsano ya moya o nang le oxygen, nitrogen, carbon dioxide le dikgase tse ding tse bohlokwa mabapi le tswelopele le kgolo ya semela, le yona e a sitiseha le ho diehiswa.
Ho teteana ha mobu ho bakwa ke eng?
Ho hata ha diterekere le disebediswa tse ding tsa temo hodima masimo a dijothollo a lengwang hammoho le makgulo a lengwang ho ka nna ha baka ho teteana hona. Ho teteana ha mobu ho amana haholoholo le mesebetsi efe le efe ya ho phetholwa ha mobu, ho jala, ho fafatsa le ho kotula, e leng eo ka tlwaelo e hlokahalang tlhahisong. Boiteko bo bile boholo dilemong tse ngata tse fetileng mabapi le diterekere tse nang le horsepower e ngata le disebediswa tsa temo tse loketseng ho lema, ho thuha makwete le lekgapetla le thata la mobu hammoho le dibaka tse dikoti, tse ikentseng matshanyana, tseo hangata di nang le lehlabathe le bokellanang hodima lekgapetla la mobu le sitwang ho kenellwa ke letho.
Boima ba diterekere bo eketsehile ho tloha ditoneng tse tharo dilemong tsa bo1940 ho feta ditone tse 20 mabapi le tse kgolo, tse hulang ka mabidi a mane matsatsing a kajeno. Ho teteana ho bakwang ke merwalo e boima ya ditone tse leshome kapa ho feta, mebung e mongobo, e ka fihla ho 0,60 ya mithara. Mesebetsi ya ho phethola mobu hangata e etswa ha mebu e le mongobo, mme e le boemong ba ho ka teteana ha bonolo, e leng se ka bakang tshenyo popehong ya mobu. Bokgoni ba mobu ba ho hlahisa kuno e ntle bo a sitiseha. Tshebediso ya ho ya ho ile ha mehoma ya mouldboard kapa ya diski botebong bo le bong e baka tshenyo e mpe haholo ya makgapetla a mobu kapa ho teteana ha mobu karolong e ka tlase ya mobu. Sena se etsahala mebung e mengata e fapaneng.
Moo mebu e nang le metsi a mangata, mebu e laoleha ha bonolo, mme ho thwe e boemong ba "polasetike". Sephethephethe se matla kapa disebediswa tse matla tse sebediswang di baka ho foforeha ha mobu kapa ho etsa hore dikarolwana tsa mobu di hoholwe di yo kena seretseng se sengata. Diforo tse entsweng ke dithaere tsa mabidi kapa diforo tse makwete tse bonahalang hangata masimong ke bopaki ba hore mobu o ne o le metsi haholo. Mebu e omelletseng e pshatleha ha bonolo, mme e boloka popeho ya ona ho ena le ho tlotselletswa le ho kopana hammoho.
Popeho ya mobu e laola bokgoni ba mobu ba ho tshwara le ho tsamaisa metsi, menontsha le moya o hlokahalang mabapi le mesebetsi ya metso ya semela. Metso e holang ka matla e hloka masoba a fetang 0,1 mm e leng boholo ba ntlhana e ka pele ya motso e thusang hore motso o kgone ho tsetsepela masobeng a mobu pele metso e ka hlahella le ho hola ho ya pele. Thibelo e matla ya mobu o teteaneng e bolela hore metso e tshwanetse ho phunyelletsa ka matla lekgapetleng le teteaneng la mobu.
Molemi a ka hlola jwang lekgapetla lena le thata?
Ho phetholwa ha mobu ho fetang 25 cm ho kgona ho pshatla makgapetla a thata a bakwang ke mabidi a sephethephethe, empa sena e ke ke ya eba tharollo ya nako e telele ya ho potlakisa kapa ho fihlella kuno e phahameng ya dijothollo. Mekgweng e mengata ya tlhahiso, ho phetholwa ho tebileng ho tshwanetse ho phetwa ka makgetlo sehleng se seng le se seng. Mesebetsi ya ho phethola mobu ha ho se ho lenngwe e ka nna ya teteanya mobu hape ho fihla ho 80% tsa mobu pele ho phetholwa. Ka hoo, ho na le karolo e ngata ya matla (energy), e leng diesel e sebediswang hammoho le ditshenyehelo tsa metjhine e sebediswang mabapi le ho phethola mobu.
Mokgwa wa hao wa jwale wa ho hlahisa dijothollo e ka nna yaba ke wa ho sebedisa mekgwa ya sejwalejwale ya ho phethola mobu, e kenyelletsang ho lema ka mora kotulo, ho sebedisa disc, ho tabola mobu, ho phethola mobu kgafetsa, ho jala, hammoho le ho fafatsa kgahlanong le mahola le dikokwanyana ka mora ho ho jala le ho kotula. Ka hoo, ho a kgonahala ho ba masimong pakeng tsa makgetlo a robedi le a robong pakeng tsa ho kotula le ho jala dijothollo tse hlahlamang. Mokgwa ona o boima haholo. Matsete metjhineng le disebedisweng tsa temo, nako e nkuwang ho phetha mesebetsi, bakganni ba diterekere, mafura le ditokiso, kaofela ke ditshenyehelo tse phahameng, ha se thaka motho.
Mokgwa wa sejwalejwale wa ho phethola mobu o ne o sebediswa haholoholo ho laola mahola le ho lokolla lekgapetla lefe kapa lefe la mobu le bakilweng ke pula tse neleng ka matla tse atisang ho na dibakeng tse phahameng. Pula efe kapa efe e neleng nakong eo masimo a tlohetsweng feela a sa lengwa e ka bolokwa hore e sebedisetswe dijothollo tse hlahlamang, tse tla jalwa. Boteng ba masalla a dimela bo thibela mongobo mobung o ka hodimo le mobung o ka tlase.
Hore mobu o ka tlase o kgone ho pshatla lekgapetla le thata la mobu ho ka nna ha baka tshenyo e ntseng e tswela pele ya popeho ya mobu, mme sena se ke ke sa kgonahala haeba mobu o le metsi haholo nakong ya ketsahalo ena. Mekgwa ya paballo ya ho phetholwa ha mobu, e kenyelletsang tshebetso e fokotsehileng ya ho se phethole mobu, e fokotsa ho teteana ha mobu, mme qetellong sena se fokotsa ditshenyehelo ka kakaretso tsa ho phetholwa ha mobu.
Diplantere tse ngata di batla di ena le mokgwa wa ho teteanya mobu, haholoholo ho potapota le moo peo e jalwang teng. Kamano e ntle ya mobu le peo e potlakisa sekgahla sa ho monngwa ha metsi, e leng se potlakisang ho mela ha peo. Ho teteana ho mahareng ho ka nna ha fokotsa tahlehelo ya metsi ka baka la phofodi (evaporation), mme ho thibela ho omella ha mobu ho potapota le peo. Hangata dibakeng tse ommeng, mobu o ommeng, o lokolohileng, o fafatswa hasesanyane feela hodima peo. Sena se thusa ho thibela tahlehelo ya mongobo. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore ho qojwe taba ya ho teteanya mobu o ka hodimo le mobu o ka tlasa peo.
Mobu o seng o lokolohile ho feta tekano, mme popeho ya ona e le e sa tsitsang, o sitisa kgolo e nepahetseng le tswelopele ya metso. Metso e kgema mmoho le popeho ya mobu, ka ho namela moo thibelo e fokolang, mme e qoba ho namela ha bonolo moo ho nang le lekgapetla le thata la mobu kapa dikarolong tse thata tsa mobu.
Ho teteana ha mobu ho bolela hore sebaka moo metso e ka namelang ho sona se a fokotseha. Ho fokotseha ha menontsha le metsi semeleng le ho bokellwa ha mongobo semeleng di sitisa semela ho hlahisa kuno e ntle. Dibakeng tse ommeng, ho teteana ha mobu ho ka nna ha kgannela dimeleng tse holofaditsweng ke komello. Ke pula tse nang ka nako tse nepahetseng hammoho le manyolo a tshetsweng ka tshwanelo tse ka eketsang kuno e ntle.
Dilemong tsa pula e ngata, ho teteana ha mobu ho baka phokotseho ya ho kena ha moya mobung haholoholo dikarolong tse ka hodimo tsa mobu, ka ha sekgahla sa ho monyela ha metsi se fokotseha. Ha pula di eketseha, boemo bona bo mpefala le ho feta, mobu o ka hodimo o a hoholeha. Sena se ka qetella se bakile tahlehelo ya manyolo le nitrojene e tswelang moyeng. Hore semela se monye potassium ho hlokahala hore semela se sebedise eneji (matla). Ho fokotseha ha moya o keneng mobung ho ama tshebetso ya metso ya ho fetola dijo hore e be eneji, mme sena se fokotsa ho monngwa ha potassium. Ka ha phosphorus e sa tsamaele hole ka hara mobu, le ha e se e ile ya tshelwa pele kapa nakong eo ho jalwang ka yona, metso e fokotsehileng le yona e tla fokotsa ho monngwa ha dijo tsena tsa bohlokwa tsa semela. Mebu e lehlabathe e nang le ho phatlalla ha dikarolwana tse lekanang tsa mobu, le yona e ba le lekgapetla le thata la mobu ha bonolo. Hangata mebung e tjena mongobo o kgona ho kenella ka mokgwa o amohelehang, mme lekgapetla lefe kapa lefe le thata le thibela metso ho namela tlase moo e ka sebedisang metsi ana nakong ya komello, e leng nakong ya komello ya tlhahiso ya dijothollo.
Ho se ho bonahetse hore haeba metso e kgona ho phunyelletsa lekgapetleng le thata la mobu kapa haeba e thuswa ke ditselana tseo ho tsamauwang ho tsona lekgapetleng leo, metso e ntse e kgona ho hola hantle ho lekaneng hoo e sebedisang dikahare tse bonojana tsa mobu karolong tse tebileng tsa mobu. Ka mokgwa ona, metso e kgona ho fihlella metsi le menontsha e lekaneng mabapi le ho hlahisa kuno e ntle.
Ka kakaretso re ka re ho teteana ha mobu ho ka hlaloswa e le ho teteana ha mobu o ka hodimo le ha mobu o ka tlase.
Dipula tsa selemo di na ka sekgahla se matla, mme di ka baka tshenyeho e kgolo ya mobu, kgoholeho le tahlehelo ya menontsha mobung o ka hodimo, o sa tshireletswang.
Mobung o haellwang ke tse bolang kapa o sa tshireletswang ke masalla a dimela, sekgahla sa marothodi a pula se boetse se ka baka bothata ba lekgapetla le thata, le teteaneng la botebo ba 12 ho isa ho 20 mm mobung o ka hodimo.
Marothodi a pula ka tlwaelo a fapana ka boholo bo pakeng tsa 1 ho isa ho 7 mm, mme a otlana le mobu ka lebelo le ka etsang 30 km ka hora. Dikarolwana di ka phatlalla sebaka sa mithara ho tloha moo ho otlana ho etsahalang teng. Sena se thiba masobana a mobu o ka hodima, mme se qetelle ka ho fokotsa ho monngwa ha metsi le ho eketsa metsi a phallang a sa thijwe ke letho bokahodimong ba mobu.
Ha ho oma, ho bopeha lekgapetla le thata le thibelang phapanyetsano ya kgase efe kapa efe kapa ho kenella ha mongobo nakong e hlahlamang ya sekgahla sa pula. Lekgapetla lena le ama ho hlaha ha peo jwalo ka ha balemi ba bangata ba dijothollo ba se ba bone ka soneblomo le dinawa tsa soya masimong a bona.
Dikarolwana tsa mobu o lokolotsweng le tsona di kgona ho hoholwa ke metsi ho tloha masimong ho ya moo metsi a phallang teng ditseleng, mme sena se qetella ka mobu o mongata o bokellanang dinokeng le matsheng. Ha pula e le ngata ho feta tekano mobung o sa tshireletswang, moo metsi a sitwang ho kenella lekgapetla le thata le ka hodimo, kgoholeho ya lekgapetla lena le leholo la mobu e baka tshenyo e kgolo mononong wa mobu.
Ha mehlape e dumellwa masimong ka mora kotulo kapa nakong efe kapa efe pakeng tsa dimela, ho teteana ha mobu kapa "ho futswelwa ha mobu" ho a etsahala ka baka la ditlhako tsa dikgomo kapa dinku. Sena se etshala ha mobu o le metsi (seretse) haholo, mme ke ha mothamo wa mongobo o feta mothamo o ka jarwang ke masimo. Bobe ba ho teteana ha mobu bo laolwa ke bongata ba dimela tse leng mobung o ka hodimo. Ho teteana ho ka hlokomeleha mobung o ka hodimo ho le pakeng tsa botebo ba 7 ho isa ho 10 cm. Sena se ba sebe haholoholo mebung e nang le letsopa le lengata haholo.
Hape masobana a moya a a fokotseha, mme a kgannela hape mathateng a bakwang ke ho teteana ha mobu, ao re buileng ka ona hodimo mona. Ha dikgomo di bolokwa makgulong a metsi, phokotseho ya kuno e ka nna ya fihla ho 20% ya kuno ya tlwaelo e lebelletsweng. Tharollo ke ho hlahlobisisa masimo a hao hore na ha a na mothamo wa metsi o phahameng ho feta tekano, ebe o tlosa mehlape ya hao le ho e isa makgulong a mang kapa dikampong tse ding tse leng moo ho batlang ho phahame kapa moo mobu o sekameng, e leng moo ho seng metsi haholo papisong le masimong a temo. Hang ha masimo a se a omme, mehlape e kanna ya kgutlela ho ona nako e itseng.
Ho teteana ha mobu o ka hodimo kapa ho etsa lekgapetla ho ka lemohuwa ha bonolo ka ho tsamaya hara masimo ka mora ho na ha pula e matla. Thipanyana e ka sebediswa ho hlahloba lekgapetla le thata e le ho ka lemoha botebo ba lekgapetla.
Ho lekola bothata ba ho teteana ha mobu o ka tlase masimong a hao, ho tshwanetse ho etswa hlahlobo e batsi mabapi le taba ena.
Kgarafu e ka sebediswa ho tjheka mokoti o monyane wa teko, mme ho tla hlaka kapele haeba lekgapetla le thata le se le le teng ho tloha botebong ba 20 ho isa ho 25 cm ho tloha bokahodimong ba mobu. Lekgapetla lena le thata le kgaolwa ka kgarafu ha le se le omme. Ha ho se ho fumanwe hore lekgapetla lena le teng, kapa ho belaellwa ho teteana ho hong ho tebileng, ho tshwanetse hore ho nkuwe ho kang sampole ya mobu e ka tjhekwang ka letsoho, ya bolelele ba mithara, bophara ba mithara le bophahamo ba mithara. Sena se etsa hore mohlahlobi a kgone ho kena ka hara mokoti le ho hlahloba ho teteana ha mobu. Hamore ya setsebi sa mebu, kapa sesebediswa sefe kapa sefe se motsu, motsu wa sona o tsamaiswa ho tloha hodimo ho ya fihla fatshe. Lekgapetla lefe kapa lefe le thata le tla bonahala ha bonolo, mme le ka lekanngwa. Botebo le botenya ba lekgapetla ke tsona tse tla bolela hore ke sesebediswa sefe sa tyne se tla sebediswa le hore ke botebo bo bokae ba mobu bo tla tshwanela ho fihlellwa hore lekgapetla le rojwe ho tloha ka tlase ho ya hodimo.
Mokoti o tjhekilweng wa teko o ka sebediswa e le moo ho nkuwang disampole tsa mobu ka sepheo sa ho hlahloba botebo bo ka fihlellwang ke metso, mofuta wa mobu hammoho le lekgapetla lefe kapa lefe le sitwang ho phunyelletswa, le ka nnang la eba teng. Mekoti e mengata e tjhekilweng masimong a jwalo e ka hlahlojwa hore ho etswe phuputso e phethahetseng.
Haeba metso ya semela se ntseng se hola e ntse e le teng, sefafatsi se tshwarwang ka letsoho se nang le pressure e lekaneng ya metsi se ka sebediswa ho arohanya metso ka ho hlatswa mobu o potapotileng metso eo. Ka mokgwa ona, ho nama ha metso le sekgahla sa lekgapetla le thata di ka bonwa ka ho hlaka. Moo ho sebediswang setabodi (ripper) nakong ya ho jala, motho a ka lemoha tswelopele ya metso ho fihlela lekgapetleng, le tshitiso e teng ya metso ho feta lekgapetleng hammoho le ho phatlalla ha metso tlasa lekgapetla leo le teteaneng la mobu.
Mobu o boetse o ka sebediswa ho beha leihlo bohlwahlwa ba mokgwa ofe kapa ofe o sebediswang wa ho phethola mobu kgahlanong le ho teteana ho seng ho lemohuwe ha mobu. Bohlwahlwa ba mokgwa wa tsamaiso kapa bohlwahlwa ba tshebediso ya sesebediswa se itseng sa temo le bona bo ka behwa leihlo.
Ha ho sebetswa masimo, boteng ba lekgapetla le thata la mobu kapa bohlwahlwa ba sesebediswa di dula di hlokometswe ka hore ka mehla koloing ya vene (bakkie) ho dule ho ena le tshepe ya ho metha e iketseditsweng lapeng. Hona ho ka etswa ka tshepe e ronto ya botenya ba 8 mm, eo ho yona ho tjheselleditsweng letsohana le etsang T ka hodimo. Ntlha ya yona e be motsu, mme e tshwauwe ka angle grinder dibaka tse arohaneng tsa 10 cm sebaka ka seng. Tshepe ena ya ho metha ebe jwale motsu wa yona o hatellwa hore o kene mobung wa masimo. Sena se phakisa se totobatsa haeba ho teteana ha mobu ho le teng. Haeba diteko di etswa ,5 e nngwe le e nngwe ya mithara, ho ka tiiswa haeba qaka ya ho teteana e le hohle kapa e le dikarolong tse itseng feela (metjhophorong) tsa masimo. Tshebetso e ntle kapa e mpe ya sesebediswa e ka behwa leihlo ka mokgwa ona.
<fn>Pula Imvula. Soil2.2010-07-01.st.txt</fn>
Setshwantsho 1: Motjhine o methang ho teteana ha mobu o fana ka lesedi la se etsahalang mobung.
Ditabeng tsa rona, leqepheng la 5 ho isa ho 8 re hlalositse ho teteana ha mobu le hore ho ba teng jwang. Ditaba tsa kajeno di tla hlalosa ka moo motjhine o methang ho teteana ha mobu o sebetsang ka teng le ka moo o ka laolang ho teteana ha mobu ka teng.
Motjhine o methang ho teteana ha mobu o fana ka lesedi la se etsahalang mobung. Empa e le e nngwe ya disebediswa tse ngata le mekgwa e sebediswang ho beha leihlo qakeng ya ho teteana ha mobu. Molemo wa motjhine ona ke hore masimo a ka hlahlojwa ha bonolo nakong efe le efe ya sehla sa kgolo. Ha ho bonahala hore dimela di na le mathata a itseng, ho ka fihlelwa qeto ka potlako hore na kapa tjhe mathata ke ho teteana ha mobu. Hape, nako e ntle ka ho fetisisa ya ho sebedisa penetrometer ke nakong eo boemo ba mongobo wa masimo bo leng mahareng. Maemo a komello e kgolo kapa maemo a seretse se sengata a ke ke a fana ka diphetho tse tshepahalang.
Thestara ena e na le peipi ya khoune (cone) ya tshepe ya 30 degree, e nang le shaft le pressure gauge. Dikhoune tsa mebu e bonolo le e thata di a fumaneha. Dintlha tsena di reretswe ho etsisa motso wa semela o holang mobung. Sesebediswa sena se o fa sephetho sa dipalo ka dikilopascals tse methang thibelo ya mobu ho kenellwa. Dipalo (readings) tsena di ka o bontsha mehato e fapaneng ya ho teteana ha mobu mehatong e fapaneng ya mobu. Dipalo tsena di boetse di ka fana ka mmapa wa polasi yohle kapa masimo bohareng e le hore o kgone ho ba le setshwantsho sa bothata ba ho teteana ha mobu sebakeng se phatlalletseng.
Fokotsa ho phethola mobu ka sepheo sa ho fetohela mokgweng wa paballeho ho kenyelleditswe ho phethola mobu hanyane.
Ntsha le ho sebedisa diterekere le disebediswa tse ding tsa temo kapa disebediswa tse itsamaisang nakong eo masimo a seng a le boemong ba ho sebetswa kapa pelenyana ho moo. Boemo ba mongobo wa mobu bo ka hlahlojwa pele mosebetsi wa ho phethola o simolla. Sena se etswa ka ho nka sampole ya mobu botebong ba 15 cm mobung o ka hodimo. Leka ho bopa polokwe ka mobu. Ha e kopana ha bonolo, e momahana, o tsebe hore mobu oo o metsi haholo. Ha e foforeha ha bonolo, mobu oo o omme ho lekaneng hore o ka phetholwa kapa wa hatwa ke sephethephethe se matla.
Fokotsa ka matla tshebediso ya mohoma wa mouldboard.
Sebedisa disebediswa tsa tyne bakeng sa ho lema ho tebileng ha mouldboard e le hore o kgone ho tabola ka ho teba kapa ho etsa mesebetsi ya ho phetholella masalla a dimela a setseng masimong.
5. Ha o tabola, mme o teba, sebedisa tyne e sa tshwenyaneng le bokahodimo ba mobu, empa e pshatlang lekgapetla (ho teteana) lefe kapa lefe le thata la mobu le pakeng tsa botebo ba 25 cm le 45 cm ka tlasa mobu.
6. Ha o lema, sebedisa setabodi sa tyne (ripper tyne) e sa tshwenyaneng le bokahodimo ba mobu, empa e etsang bonnete hore ho teteana hofe kapa hofe ho bakwang ke dipula tse matla, kapa sephethephethe, ho a pshatlwa ka tlase kapa pela mela e jetsweng. Etsa bonnete hore peo e jalwa lehlakoreng le le leng la manyolo le la mola o tabotsweng.
Sebedisa ho tabola ho "metsi" pakeng tsa mela ya dijothollo tse jetsweng ha ho se ho jetswe, ka sepheo sa ho pshatla/roba ho teteana ho ka hodima mobu. Sena se thusa hore mobu o fumane moya le ho kgothaletsa hore pula tse tla na di monyele, di tebe.
Ho bohlokwa ho kenyelletsa phapanyetsanong efe kapa efe ya dijothollo dijothollo tsa mefuta e fapaneng ya metso e tla thusa ho roba kapa ho fetola popeho ya mobu (ho teteana ha mobu). Phapanyetsanong, koro, soneblomo, poone le dinawa tsa soya di tla thusa ho fokotsa lekgapetla le thata mobung. Dimela tsa mofuta wa jwang tseo metso ya tsona e phatlalletseng ka ho lekana di ka fapanyetswa ka dijothollo tsa metso e tebileng ho ya tlase. Oats le dijothollo tse nonneng tsa mabastere, tse nang le metso e matla di ka kenyelletswa ho ntlafatsa kgahlanong le ho teteana ha mobu hammoho le ho phetholwa ha mobu ka nako e le nngwe moo molemi a sa rateng ho jala teng ka nako tsohle. Dijothollo di ka nna tsa fapanyetsana le dijothollo tsa nako tsohle nako ya dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo ho phomotsa mobu tshenyong e bakwang ke metjhine. Kuno dijothollong hangata e a ntlafala ha ho boela ho jalwa ka mokgwa wa disaekele.
9. Fetela tabeng ya ho tjheha (setting) diterekere le disebediswa tse ding ka bophara bo lekantsweng ba lebidi le ba sesebediswa e le hore mokgwa wa taolo ya sephethephethe o ka sebediswa tshebetsong yohle ya masimo. Ha diterekere di tsamaya moo mobu o seng o teteane teng, matla a hlokahalang a a fokotseha, mme tshebediso e hlwahlwa ya diesel e a fihlellwa. Dibaka hammoho le mela eo dimela di jalwang ho yona ha di teteane ho hang mabapi le sehla sa jwale. Masimo a ka nna a fihlelleha ka mora dipula tse matla ka ho sebedisa menyabuketso (tracks) ya mabidi, e seng e ntse e le teng.
Simolla ho sebedisa mekgwa ya paballeho ya temo ka ho fokotsa taba ya ho phethola mobu, mme o phehelle ho bokella mobung tsohle tse bolang. Sena o se etse nakong ya dilemo tse tharo ho isa ho tse nne tse hlahlamang.
<fn>Pula Imvula. SustainableWheat.2010-06.st.txt</fn>
Potso e totobetseng ke "Hobaneng" Re ipapisitse le ntjhafatso e simollotseng ho tloha ka 1994, lefapha la motheo la temo ke karolo e ileng ya hloka ntjhafatso e bonahalang. Re tseba nalane ya rona, mme re ntswe leng hore lefapha lena le tshwanetse ruri ho fetoha?
Mmuso o tshepa hore 30% ya mobu wa temo e tshwanetse hore e be e le matsohong a balemi ba batsho ka 2015.
30% ya balemi bohle e tshwanetse ho ba ba batsho.
Nakong e telele re fihlile moo re dumellanang hore temo e shebane haholo le molemi ho feta polasi (temo) ka boyona - e haholo ka mopalami wa pere ho feta pere ka boyona, e haholo ka mokganni wa sefofane ho feta sefofane ka bosona!
E nngwe ya dintho tse thatafatsang diphetoho temong ke hobane temo e fupere ntho tse ngata, e fapane. Molemi ya atlehileng o tshwanetse ho ba le masimo a nepahetseng, a lekaneng tulong eo maemo a tlelaemete a lokelang tlhahiso e itseng, diterekere, disebediswa (metjhine) tsa temo, ditjhelete tsa tlhahiso, mebaraka, le meralo ya motheo (infrastructure). Balemi ba tlamehile ho ba bomanejara bao ntle le pelaelo ba nang le bokgoni bo hlwahlwa: ba hlokomela mobu, dimela, mehlape, metjhine, basebetsi, mebaraka, tjhelete - mme tsena tsohle, ka ntle mane, ba mohaung wa tsona.
Ha re etla tabeng ya ntshetsopele, ha ho institushene le e le nngwe kapa mokgatlo o ka phethahatsang mosebetsi wa ntshetsopele ya molemi le phetoho ho tsa temo. Mohlomong re ka simolla ka ho sheba mobu - e leng taba e qholotsang maikutlo.
Ka mora 1994, Lefapha la Ditaba tsa Naha (le ntshetsopele ya mahaeng) le simollotse ka ntjhafatso ya mobu (ho kgutlisetsa batho mobu wa bona, e leng taba eo re ke keng ra e ama kajeno). Ka bomadimabe, ditebello tsa batho mabapi le temo e ne e se tse utlwahalang, mme ba bangata ba ne ba nahana hore ho ba le mobu ke isang boruing. SLAG (Settlement Land Acquisition Grant kapa thuso ya tjhelete ho ba kgutliseditsweng mobu wa bona) e file lelapa ka leng R15 000. Leano ka bolona le bile le morero o motle, empa ha re shebisisa ditaba hantle re lemoha hore ho bokella batho ba bangata nqa e le nngwe e bile ho baka mathata le dikgohlano. LRAD (Land Redistribution for Agricultural Development policy), e leng thuso ya tjhelete e fuwang batho e bile pakeng tsa R20 000 le R100 000, mme e nnile ya theoha jwalo butlebutle, mme e bile ntlafatso ya SLAG, empa le teng, bongata ba thuso ya tjhelete bo nnile ba qobella batho ho iketsa dihlopha le hoja e bile tse nyenyane. Jwale mokgwa o motjha o se o le teng o bitswang PLAS (Proactive Land Acquisition system), o fang batho monyetla wa ho itotobatsa hore ba ka ikemela e le balemi nakong eo e ntseng e le bahlokomedi feela nakong ya dilemo tse tharo, mme ba ena le monyetla wa ho reka, e leng ntho e ntjha e bileng siyo nakong e fetileng. Sena se bakile diphephetso tse ngata tse ntjha. Jwale molemi o behilwe boemong ba mobu o lokelang ho sebetswa ka katleho empa molemi o eme le monna Mateneng, ha a tsebe seo a lokelang ho se etsa ka se leng matsohong a hae. Nnete ke e reng, ho ya filweng haholo ho lebelletswe tse ngata. Balemi bana ba filwe tse ngata, empa ha ba tsebe hore ho sebetswa jwang, mme ka baka lena, re sitwa ho lebella tse ngata ho bona. Re fumane balemi ba emeng hantle, ba nang le diterekere le disebediswa tsa temo, empa bothata ke hore ha ba tsebe hore ntho tsena di sebetsa jwang.
Selei se kgitlile lejwe! Mabapi le ntjhafatso ya mobu, re tshwanela ho kgutlela potsong ya rona ya motheo - re leka ho etsa eng Na re leka ho fa motho thaetlele deed ya sekotwana sa mobu, kapa re leka ho hlahisa molemi Le hoja taba ena e tadimeha e se na kelello ho ba bang, dintho tsena di fapane haholo. Ho ba le masimo ha ho bolele hore jwale o se o le molemi jwalo ka ha ho ema ka karatjheng ho sa o etse mmotorokara?
Ho kgona ho sebetsa mobu, ho hloka dintho tse ngata. Ya pele ya bohlokwa ka ho fetisisa ke tsebo le bokgoni. Ha o sa tsebe seo o se etsang, setsweng ke ha Molapo, ha ho moo o yang teng!
Mona Grain SA re lehlohonolo hobane re na le monyetla wa ho ba le lenaneo la ntshetsopele ya molemi le tsheheditsweng ka ditjhelete ke ba Maize Trust hammoho le ba Winter Cereals Trust (koro le lesere le kgarese), Oil and Protein Seeds Development Trust (soneblomo le soya beans), hammoho le ba Sorghum Trust. Mananeo a rona a reretswe ho fa balemi ba batsho ba dijothollo bokgoni ba ho ba bahwebi ba mmakgonthe. Ha re etse kgwebo ya letho, empa sepheo sa rona ke kwetliso, ntshetsopele ya bokgoni, matlafatso le ntshetsopele ya boikemelo.
E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa ntshetsopele ya molemi, eo hangata e tlodiswang mahlo, ke hore o tshwanetse ho fumana molemi "moo a leng teng" le ho mo tshehetsa hore a ahe hodima seo a seng a se tseba. O sitwa ho beha marulelo hodima moaho o se nang mabota. Haufinyana ke ne ke hlalosetsa motho e mong taba ena - ke re, ha o fumana batho ba sebedisa dipholo ho lema masimo a bona, ba thuse ho sebedisa peo e ntle, le manyolo a nepahetseng le mehato e nepahetseng ya taolo ya mahola. Motho enwa a araba ka ho re nna ke leka ho tsitlallela tabeng ya ho boloka batho ba batsho ba fokola, ba futsanehile! Ho hang sena ha se nnete - nnete feela ke hore o tshwanetse ho aha hodima seo o se tsebang.
Lenaneo le laolwa ho tloha Bothaville, mme re na le diofisi tsa mabatowa Zeerust, Klerksdorp, Nelspruit, Ladybrand, Mthatha, Vryheid le Kokstad.
Qalong, balemi ba kgothaletswa ho bopa dihlotshwana kapa mekgatlo ya balemi (batho ba sebaka se le seng ba thahasellang ntlafatso ya temo ya bona). Mohokahanyi ka mong wa lebatowa o thusa dihlopha tsa boithuto tse pakeng tsa 15 le 30 kgwedi le kgwedi, mme o tataisa ditho lenaneong la kwetliso la selemo kaofela. Hajwale re na le dihlopha tsa boithuto tse 120.
Diploto tse pakeng tsa 5 le 10 di jalwa lebatoweng ka leng moo ho bontshwang mekgwa e metle ka ho fetisisa ya temo. Mona balemi ba kgona ho bona melemo ya tokiso e ntle ya mobu, manyolo a nepahetseng, palo e nepahetseng ya dimela hammoho le taolo e nepahetseng ya mahola le dikokwanyana. Lemong sena re na le diteko tse 50 tsa dipontsho.
Matsatsi a balemi a tshwarwa nakong yohle ya sehla sa kgolo - haholoholo dibakeng tseo diteko di tshwarelwang ho tsona. Batho ba fapaneng ba nang le seabo ba memelwa meketeng ena. Lemong sena, re tla be re keteka matsatsi a Balemi a 80. Ena ke qaleho ya ho bopa dikgokahano tsa tshehetso ho balemi ba tikoloho ena.
Setswalle ke ntho e kgothaletswang le bohle ba tshehetsang mosebetsi wa bolemi jwalo ka dikhamphane tse fepelang ka thepa ya temo, e leng tsa peo, manyolo, dikhemikhale, jwalojwalo, ho kenyeleditswe le mekgatlo e meng ya setjhaba e ka thusang balemi ka dintlha tse ding tse amanang le temo, tse seng tlasa lenaneo lena, mafapha a temo, Agri-business, mekgatlo e adimanang ka ditjhelete, ARC le e meng e kgemang le yona. Haeba re batla ho tswela pele, Mosotho o re letshwele le beta poho.
Ho teng tlhodisano ya Grain SA ya Molemi wa Selemo. Ena ke e ananelang le ho thoholetsa tshebetso e hlahileng ka mahetla, mme e hlahisa batho bao e leng mehlala e metle e kgothaletsang balemi ba bang tseleng ena ya kgwebo. Tlhodisano e mekga e mmedi - e nngwe ke ya balemi ba banyane, ba ntseng ba thuthuha, e nngwe ke ya balemi ba bahwebi, ba seng ba tswetse pele haholo. Sena se simollotse ka baka la balemi ba ntseng ba thuthuha, ba ikutlwileng hore ba hloka kgothaletso le bona.
Lenaneo la boemo bo phahameng la molemi le shebane haholo le sehlopha se ikgethileng sa lebatowa ka leng. Ba bang ba balemi ba se ba hatetse pele tseleng ena ya kgwebo, mme ba hloka ho tshehetswa ka mananeo a hlophisitsweng hantle, a ba lokelang, a fapaneng, a arabelang ditlhoko tse ikgethileng tsa bona. Sepheo sa rona ke ho thusa balemi bana ka lenaneo la ntshetsopele nakong ya dilemo tse ka bang tharo, mme hore ho ananelwe tswelopele, re hlomme sehlopha se bitswang 250 ton Club. Mothating ona ke balemi ba 21 bao e leng ditho tsa sehlopha sena (bronze), ditho tse 13, 500 ton Club (silver) le tse 7, 1 000 ton Club (gold). Balemi bana ba hloka tjhelete ya kadimo - re tla bua ka taba ena hamorao.
Kwetliso ya balemi ka dithuto tse nkang beke ke ntlha e nngwe eo re tsepamisang maikutlo ho yona. Hajwale re na le dithuto tsa Poone, Soneblomo, Mabele, Koro, Matokomane, Tlhahiso ya Poone le Kgarese e Nosetswang, Konteraka temong, Tlhokomelo ya terekere le disebediswa tsa temo, Tlhahiso ya boemo bo phahameng ya Poone le Mmaraka, Tekolo ya Mehlodi le Moralo wa Polasi, Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni, Tokiso ya Motheo ya Enjene le Phaello ka Polasi. Lemong tse hlano tse fetileng re ile ra fana ka dithuto tse 375, mme ra ama bophelo ba balemi ba 7 000. Lemong tse fetileng re kgonne ho kwetlisa diofisiri tsa katoloso, mme sena se amohetswe hantle haholo. Tlhoko ya kwetliso ena e matla haholo, mme maikutlo a batho tabeng ena a bontshitse thahasello e kgolo.
Lenaneo le hasa diteisheneng tse nne tsa radio, Motsweding, Lesedi Ligwalagwala le Umhlobo Wenene. Ona ke mokgwa o matla wa ho fihlella batho le ka taba tsohle ka ho hlaka.
Re boetse re na le phatlalatso ya kgwedi le kgwedi - Pula/Imvula, e leng lengolo la ditaba la maqephe a robedi, le kgemang mmoho le ditshwantsho. Lengolo lena le hatiswa ka dipuo tse 7 (Sesotho, Setswana, Sesotho sa Leboa, IsiXhosa le Sezulu), mme palo ya ona ke dikopi tse 20 ka kgwedi. Re boetse re na le kgatiso ya kotara le kotara ya Dipeo tsa koro le oli (Wheat and Oil seeds).
Tshehetso ya balemi ke taba e boima, e nkang nako. Re sitwa ho ntshetsa pele balemi nakong e kgutshwanyane ya selemo kapa tse pedi. Re na le batho ba bangata ba nang le seabo mosebetsing ona, mme molemong wa ho baballa ditshenyehelo, re sa tswa kenya tshebetsong mokgwa wa ho etsa dipehelo ka websaete e ikgethileng. Sena se bolela hore mang le mang ya sebetsang le molemi ya itseng o kgona ho bona tswelopele ka difoto, mme tshehetso e ka etswang ka ho otloloha masimong e ka hokahanngwa ka nako.
Ke mang ya tshwanetseng ho tshehetsa balemi bana?
Ke mang ya tshwanetseng ho tshehetsa balemi bana - na ke morwalo wa Lefapha la Temo hammoho le ditshebeletso tsa katoloso Ena ke e nngwe ya dintlha tse amang maikutlo haholo. Ke taba e amang phetoho ya temo le ntshetsopele ya molemi. Ntshetsopele ya molemi ke taba e boima (hape ka baka la ho nama ha tsamaiso ya tsa temo). Mafapha a kentse ntjhafatso basebeletsing ba ona ka potlako, mme a kgetha palo e kgolo ya baatolosi (diofisiri) ba bohlale, ba rutehileng, empa ba tsebang hanyane ka temo. Bongata ba baatolosi bana ha se batho ba kileng ba hama le yona kgomo, kapa ba nwesa nku moriana, kapa ba lema ka mohoma, ba sebetsana le metjhine ya polasi, ba calibreita/sotha sefafatsi kapa plantere. Ho a hlaka hore batho bana ba hlolehile ruri. Ba ne ba lebelletswe ho etsa seo ba ke keng ba se etsa, mme ka hoo, ba hlolehile. E mong wa baatolosi o re kumetse hore yena o etela balemi feela ha ba se ba qetile ho sebetsa - O re ba a ipata nakong ya mosebetsi o mongata wa sehla hobane ba tshaba hore molemi a ka nna a ba kopa thuso e itseng! Haeba Lefapha la Temo le fela le ikemiseditse ho ntshetsa pele balemi, baatolosi bana ba tshwanetse ho boela ba kwetliswa hape, mme re tshwanetse ho hlokomela hore ho se sebediswe hape batho ba ileng ba ba kwetlisa. Ha o tswela pele ho etsa seo o neng o ntse o se etsa, o tla nne o tswele pele ho fumana seo o nnileng wa se fumana. Re tlamehile ho fumana batho ba ka tshwarang ka matsoho, ba nang le boiphihlelo. Ke bona ba ka kenyang bophelo le ntjhafatso tshebeletsong ya katoloso - batho ba tsebang taba tsa bona?
Ke dumela hore mona Afrika Borwa re fihlile moo re tshwanetseng ho etsa qeto. Na ruri re batla ho ikemela tabeng ya dijo le tshwele kapa tjhe Na re batla ho ba le tshireletso ya naha mabapi le dijo Na re ikemiseditse ho hlokomela lefapha la temo le ikonomi ya mahaeng, kapa re shebile thepa e tla romellwa e etswa dinaheng tse ka ntle?
Na re kgona ho romellwa dijo tsohle tsa rona ke dinaha tse ding?
Re tla kenya phapanyetsano e hlokahalang ya ditjhelete (foreign exchange) tshebetsong jwang?
Na meralo ya rona ya motheo e kgona ho jara mosebetsi wa thomello ya thepa ho tswa ka ntle?
Na lefatshe lohle le tla re fepa ha ho haella dijo ka baka la Tshebetso e itseng ya Modimo?
Ho tla etsahala eng ka mabatowa a temo a leng mahaeng (rural)?
Ho tla etsahala eng ka dinaha tse bapileng le rona?
Balemi ba batsho ha se mekopakopa, mme ha ba batle ho fetolwa yona. Balemi ba ipatlela feela ho monyetla wa ho etsa phaello. Ha balemi bana ba ka kgona ho iketsetsa phaello feela, ba ke ke ba mathela thusong ya ditjhelete mabapi le tlhahiso ya bona, kapa diterekere, kapa masimo, kapa disebediswa tsa temo le metjhine - ba tla ithekela dintho tsena kaofela ka bobona.
Ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ya naha tsa rona.
Ho fihlella tsena, ba tlamehile ho etsa phaello.
Nako le nako ha komiti ya ditekanyetso tsa dijothollo e hlahisa ponelopele ya yona, ditheko di a theoha, di kenya balemi tsietsing. Balemi ba rona, ba batsweu le ba batsho, ba batla ho hlahisa haholo masimong a bona. A re keng re shebaneng le maemo a bona ka nnete.
Re fepang dikolobe, ditsuonyana le ditlhapi ka dijothollo tsa rona tseo re sa di hlokeng. A re tloheleng ho saenela dikonteraka tsa ho romellwa thepa ke ba bang moo re qetellang re romellwa nama ya bona ya kolobe, ditsuonyana le mahe.
Re bolellwa hore re tshwanetse ho hlodisana mmarakeng o bulehileng. Tlhodisanong e nngwe le e nngwe ho teng mekga e fapaneng. Ditebeleng, mohlala, ho sebetsa taba ya boima, mme boraditebele ha ba a tshwanela ho sebedisa disteroids. Le ha ho le jwalo, balemi ba Afrika Borwa ba hlodisana lefapheng la boima bo hodimo kgahlanong le balemi ba bang le mebuso ya bona "e sebedisang disteroids" - re batla feela ho lwana "ntwa e hlokang leeme".
Ke nnete, katleho e teng Ntshetsopeleng ya Molemi, empa ba atlehileng ha ba bakae ka palo indastering ena ya temo. Re ipiletsa ho mang kapa mang ya ratang ho tlisa phetoho hore a thuse ho rarolla qaka eo re shebaneng le yona - katleho phaellong ya lefapha la temo. Mothating ona, dihwai di sitwa ho kena tlhodisanong - re reng ka balemi ba ntseng ba thuthuha?
Tshireletsang balemi ba rona kgahlanong le tlhodisano e hlokang toka, mme re tla etsa Afrika Borwa e motlotlo, e nang le tshireletso ya dijo.
<fn>Pula Imvula. TractorMaize.2010-06.st.txt</fn>
Kgatisong ya Motsheanong 2010 ya Pula Imvula re ile ra fana ka lethathamo la tse lokelang ho hlahlojwa pele terekere e sebetsa. Terekere e bohlokwa polasing, mme haeba o sa e hlokomele, o tla senyehelwa haholo. Karolo ya 2 ya taba tsena ke ena e a latela.
Hlahloba level ya metsi ha enjine e sa bata. Ha botlolo e le siyo terekereng, level ya metsi ka hara radiator e tshwanetse ho ba 25mm ho tloha ka hodimo. Etsa bonnete hore o na le antifreeze e lekaneng metsing a hao.
Etsa bonnete hore o na le saese tse nepahetseng tsa di-pens le di-pins.
Etsa bonnete hore top link e na le grease le hore ho sebediswa saese e nepahetseng ya di-pins.
Etsa bonnete hore diboutu kaofela tsa drawbar di tiile, mme o sebedise drawbar pin e nepahetseng.
Tseba mehato ya boipaballo ba terekere ka nngwe. Diterekereng tse ding o tshwanetse ho hata clutch pele, ha gear lever yona e le ho neutrale.
Dumisa terekere metsotswana e se mekae, ebe o hlahloba di-gauge le mabone a hlokomediso hodima instrument panel. Ha phoso e le teng, e lokise pele o kganna. Le ka mohla o se no reva terekere ho sa hlokahale.
Ka mehla sebedisa gear e nepahetseng terekereng, mme o se ke wa e dumella ho hula ka gear e fosahetseng (kgathetseng).
Etsa hore terekere e dume metsotswana e se mekae, o le mong kapa e mmedi hore turbo e phole pele o tima enjene. Tlatsa tanka ka diesel ka mora mosebetsi wa letsatsi ho thibela mofufutso wa metsi le marothodi tankeng ya hao.
<fn>Pula Imvula. WeedsMaize.2010-03.st.txt</fn>
Photo 1: Semela se fokolang sa poone: bona ka moo mahola a sentseng ka teng.
Photo 2: Taolo e fokolang ya mahola; bona ka moo poone e leng tshehla le ho fokola ka teng.
Photo 3: Habore e hlaha e fumanwang korong. Sheba semela se sesweu, se seleletsana sa habore e hlaha, ebe o sheba mahola a makgutshwanyane a mmala wa kgauta.
Photo 4: Yellow Nut Sedge e fumanwang masimong a poone.
Bolemi bo dula bo ena le phephetso, mme hang ha ke nahana hore ho lekane, bohle ba utlwile ka taolo ya mahola, ke ile ka etela masimo moo ke ileng ka fumana mahlomola a maholo a bakilweng ke mahola, haholoholo a kang Yellow Nut Sedge, Uintjies le Monakaladi.
Ntle le taolo e nepahetseng le e phethahetseng ya mahola, o ke ke wa kgona ho hlahisa dijothollo tse tla o tlisetsa phaello ka nako e telele. Mahola ke sera sa hao - mahola a hlodisana le dijothollo tsa hao mabapi le metsi, menontsha, sebaka le kganya. Ditjeo tsa tlhahiso ya dijothollo di phahame hoo o ke keng wa kgona ho dumella mahola ho sebedisa manyolo ao o a reretseng dijothollo tsa hao.
Mokgwa o motle ka ho fetisisa taolong ya mahola ke ho a thibela hore a se hole. Ha o a tlohela hore a hole, o tla tlameha ho a laola a se a le maholo, mme nakong eo a tla be a entse tshenyo e kgolo dijothollong tsa hao. Katleho temong ya dijothollo e laolwa ke taolo e atlehileng ya mahola.
Ha o sa tsebe sera sa hao, o sitwa ho se lwantsha ka katleho. Ha o fumana masimo a matjha ao o sa a tsebeng, ka nako e nngwe ho boima ho tseba mofuta wa mahola a tla ba teng moo. Le ha ho le jwalo, ka mora sehla sa pele masimong afe le afe, o tla tseba mahola a leng teng moo, mme o tshwanetse ho kgona ho a thibela hore a se hole. O tshwanetse ho tseba hore na mahola ke a lehlaku le sephara kapa le lesesanyane. Ke hantle ha o tseba mabitso kaofela a mahola a bileng teng masimong a itseng hobane o tla kgona ho fumana keletso mabapi le mokgwa o hlwahlwa wa ho laola mofuta ka mong.
Ha eba o sebedisa mokgwa wa ho laola mahola ka metjhine, etsa bonnete hore mokgwa ka mong o sebediswang (wa ho phethola mobu pele kapa hamorao) o bolaya mahola ka ho phethahala. Hlokomela hore tines tsa sesebediswa di palamana ka nepo hodimo e le hore o se siye dibanka tsa mahola a sa ntshwang. Ha eba masimo a le mongobo haholo moo o lemang ka sepheo sa ho ntsha mahola, hopola hore mahola a ka nna a boela a lemellwa hape mobung o jwalo, mme yaba a boela a hola hape. O tshwanetse ho ba le bonnete nako e sa le teng hore ke dibolayalehola (herbicides) dife tseo o tla di sebedisa pele o jala. O tla tshwanela ho tiisa hore sefafatsi (sprayer) sa hao se sebetsa hantle, le hore PTO ya terekere e a sebetsa, le yona pressure gauge hammoho le melongwana (nozzles) e tshwanang, e dumellanang.
Ba teng batho ba tsebang haholo ka taolo ya mahola. Hopola hore taolo ya mahola e phahameng haholo ka theko ke e sa sebetseng. Ho ka nna ha etsahala hore o se lefe tjhelete, empa qetellong o tla lahlehelwa ke tjhelete e ngata e lokelang ho kena.
Sebolayalehola se akaretsang, se sa kgetheng, se ka sebediswa (jwalo ka Roundup kapa Gramoxone), kapa masimo a ka hlwekiswa ka metjhine. Hopola hore ha re bua ka sebolayalehola se sa kgetheng re bua ka se bolayang semela se seng le se seng se setala se leng masimong. Hlokomela haholo ha o sebedisa dibolayalehola tsena hobane hang ha o se o fafaditse, ha ho seo o ka se etsang ho tlosa khemikhale e sebedisitsweng.
Hoba ho jalwe, ho ka sebediswa sebolayalehola sa pele peo e mela mobung, e leng se ngodisitsweng ka ho qolleha ho lwantsha mahola a kgathatsang sejothollo se itseng ka ho qolleha. Lehola la Nut grass ruri le baka mathata, mme ha le bonolo ho fediswa. Ka lehlohonolo, Yellow Nut Sedge le ka laolwa ka katleho pooneng le mabeleng ka ho sebedisa Servian (sehlahiswa mefuteng ya Syngenta). Dibeke tsa pele tse tsheletseng bophelong ba dijothollo ke tsa bohlokwa ka ho fetisisa taolong ya mahola - tlhodisano ya mahola mehatong ya pele e simollang e na le kgahlamelo e mpe haholo kunong e tla latela.
Mahola a tshwanetse ho laolwa a sa le manyane, a sa ntse a hola ka mafolofolo, pele a hlodisana le semela. Ka mehla mahola a tshwanetse ho laolwa pele a etsa peo. Ha mahola a se a entse peo, peo eo e tla mela, mme e mpefatse maemo le ho feta. Tlhodisano pakeng tsa dijothollo le lehola e ama kuno ya dijothollo. Le nakong eo masimo a tlohetsweng feela, a sa etswe letho, masimo a ntse a tshwanetse ho dula a se na mahola. Peo ya lehola e manganga, mme e kgona ho dula nako e telele le ho hola ha maemo a eba matle.
Ke mosebetsi o potlakang - ho feta wa metjhine.
Ha masimo a le mongobo, terekere e hulang sefafatsi e potlaka ho kena masimong ho feta e hulang sesebediswa se lemang.
O ka laola mahola pele a hlaha mobung, mme wa kgona ho thibela tlhodisano efe kapa efe.
Sefafatsi se ka fihlela mahola kaofela le ho a bolaya kaofela. Hangata mahola a leng meleng ya dijothollo a tlohelwa moo ha ho qetwa ho lengwa.
Ke mokgwa o baballang mosebetsi - dibakeng tse ngata tsa Afrika Borwa, ho ntsha mahola ho etswa ka matsoho. Ona ke mosebetsi o boima haholo. Bothata bo bong ke hore sehla se sebe sa lehola se nakong ya Keresemese le Selemo se setjha, e leng nakong eo ka yona batho ba leng botswa ho sebetsa. Hang ha matsatsi a phomolo a fetile, ke nako eo mahola le ona a tswileng taolong ka yona, mme le tshenyo e seng e etsahetse.
A re sebetseng mmoho ho etsa hore selemo sa 2010 e be "Selemo sa Lehola le Siyo". Ha re tsepamisa maikutlo ntlheng ena e le nngwe, ke a tiisa hore re ka nna ra atleha.
<fn>PulaImvula.250TonClub(maize).2010-11-08.st.txt</fn>
Mme bahlodi ba 250 ton club ke...
Photo 9: Mohlodi wa selemo wa Molemi ya ntseng a thuthuha wa Mpumalanga ke Vincent Mdluli. Mmoho le yena ke Jerry Mthombothi (mohokahanyi: Mpumalanga), ka ho le letshehadi, le Pat Shiba (Manejara wa Truste Ndwandwa), ka ho le letona.
Photo15: Molemi ya ntseng a thuthuha wa selemo wa Kapa Botjhabela ke Colbert Timakwe.
Photo11: Dihwai tsa kgwebo mmoho le ditho tsa 250 ton club tse fumaneng disertifikeiti e bile: Reuben Maphira, Klerk Melken, Frans Gaoganediwe le Dawid Malo.
Photo12: Ditho tse ding tse tharo tsa 250 ton club ke David Maleleka, Thabo Macholo le Maseli Letuka.
Photo13: Dihwai tsa kgwebo le ditho tsa 500 ton club: Johannes Setshego, Lebby Machuisa, Lasarus Mothusi le Deliwe Ntebele-Mutlwane. Pogiso Dikobe o bile siyo.
Photo14: Sehwai sa kgwebo le setho sa 1 000 ton club, William Matasane. Setho se seng sa 1 000 ton club, Paul Morule, o bile siyo.
Bloemfontein ka la 26 Phato selemong sena Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi le boetse la ananela balemi ba hlahisitseng ho feta ditone tse 250 ka selemo. Ho boetse ha ananelwa le Balemi ba Selemo ba Ntseng ba Thuthuha.
<fn>PulaImvula. AccessMaize.2009-05.st.txt</fn>
Boholo ba bolemi bo kenyeletsa tshebediso ya masimo. Mona Afrika Borwa re na le ditlhophiso tse ngata tse fapaneng tsa kgirisetso ya masimo. Mokgwa o mong le o mong o na le tse ntle tsa ona le tse mpe tsa ona. Ha ho hlokolosi ho ba le mokgwa o le mong feela, empa ho bohlokwa ho tseba le ho utlwisisa mokgwa oo o sebetsang ka ona.
E nngwe ya dintho tse bohlokwa ka ho fetisisa ke ho ba le mmapa wa polasi, ka ha mona ke moo o simollang merero ya hao teng. Ha eba o sitwa ho fumana mmapa (jwalo ka ha ho etsahala masimong a setjhaba a kopanetsweng), o ka fumana motho ya ka o etsetsang ditekanyetso (GPS) tsa masimo a hao, e leng se tla bontsha ka nepahalo moo polasi ya hao e leng teng hammoho le boholo (size) bo nepahetseng ba yona. Hopola hore ho bohlokwa ho tseba boholo ba yona hobane ditekanyetso tsohle tseo o tla di etsa di itshetlehile ka palo ya dihekthara tsa yona.
E nngwe ya ditaba tse kgolo mabapi le ditlhophiso tsa kgirisetso ya masimo ke ya ho adima tjhelete, e leng se tla hloka tshireletso (security) e itseng. Ha eba o se na thaetlele deed (lengolo le tiisang hore o monga thepa), o sitwa ho sebedisa masimo e le tshireletso. Sena se ka tadingwa e le ho kgutlela morao, empa ha o tlamahanya thepa ya hao, mme o e ngodisa ka mokgatlo o adimanang ka tjhelete, o ka adingwa tjhelete, empa ha ho etsahala hore ka baka lefe kapa lefe, o hlolehe ho lefa molato wa hao wa kadimo ena - mokgatlo o tla rekisa thepa ya hao hore o kgone ho fumana tjhelete e saletseng morao ya molato. Ona ke mokgwa o utlwahalang mmarakeng o lokolohileng wa ikonomi, mokgweng wa bokapitale (o sebetsang lefatshe lohle). Empa wena jwalo ka molemi ya ntseng a thuthuha, o tshwanetse ho ba molemi ya sa ipeheng kotsing ka dintho tse ngata. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore o qale hanyane ntle le ho adima tjhelete e ngata haholo - hore ha eba dintho di sa tsamaye hantle, o se ke wa lahlehelwa ke tsohle tsa hao. Mokgweng wa setjhaba wa kopanelo ya masimo, moo baetapele ba setso ba laolang mobu, o ka simolla ka sekotwana sa masimo seo o se filweng ke morena, e le hore ha o ntse o tswela pele o kgona ho "hira" masimo a baahelani ba hao ba sa tsotelleng taba ya bolemi. Hopola hore ha se bohle bao e leng balemi, kapa ba batlang ho ba balemi. Re na le mehlala e mengata ya balemi ba atlehileng kgwebong ena, ba sebetsang masimong a setjhaba empa ba se na le ha e le hekthara e le nngwe ya bona.
Tumello ho ba mobung wa setjhaba?
Tumellano ya semolao ya kgirisetso?
Dibaka tse itseng di loketse mefuta e itseng ya bolemi. Pula, matsatsi a pele le a ho qetela a serame se lebelletsweng, hammoho le botebo ba mobu, ke tsona tse laolang sena. Ho boetse ho bohlokwa ho tseba hore na masimo a kgona ho ka nosetswa kapa tjhe - hopola hore bolemi ba moo ho tshwanetseng ho nosetswa bo batla tsamaiso e tebileng, e mosebetsi o mongata, empa e batla e se kotsi hakaalo hobane o ka nna wa nosetsa dijothollo neng kapa neng ha ho hlokahala. Mabapi le mefuta e meng ya bolemi, phumano ya motlakase e bohlokwa. Ditshenyehelo tsa ho tshireletsa (ka lebota kapa tereta) di phahame haholo - ha o sitwa ho tlosa diphoofolo tsa hao masimong a hao, o tla sitwa ho ba molemi ya atlehileng wa dijothollo.
Mmapa wa polasi - nnetefatsa hore o na le mmapa wa polasi, mme o itlwaetse hantle hore Leboya, Borwa, Botjhabela le Bophirimela, di hokae.
Ho bohlokwa ho bona hore masimo a mang le a mang le kampo e nngwe le e nngwe di/a na le dinomoro (Tsena di tla sebediswa hamorao mabapi le ho sampolwa ha mobu le tshebediso ya masimo).
Hlahloba boholo ba masimo a mang le a mang le kapo ka nngwe (hape, sena se bohlokwa mabapi le morero wa tshebediso ya masimo le ho etsa ditekanyetso). Ha eba dintlha tsena di sa hlahelle mmapeng, o tla tlameha ho di fumana.
Mmapa masimong a setjhaba ha se ntho e fumanehang ka mehla. Ha eba o sebetsa masimong a setjhaba, mmapa wa GPS o a hlokahala ka ha o fana ka dinomoro tse thusang ho supa ka nepo.
Ho teng mekgwa e fapaneng ya ho tseba boholo ba polasi/masimo - o ka hwanta ho e potoloha o ntse o bala mehato ya maoto, o ka sebedisa lebidi le lekanyang kapa wa sebedisa mokgwa wa lebidi la terekere, empa mokgwa o nepahetseng ka ho fetisisa ke wa GPS.
Mofuta wa mobu o amana le letsopa, selokwe kapa lehlabathe la mobu.
Botebo ba mobu ke ho etsa teko mehatong e fapaneng e ka nnang ya thiba ho nama ha metso - sena se ka laolwa ke ho sebedisa "soil auger"(motjhine o tjhekang) kapa ho tjheka mokoti wa profaele (mehato e fapaneng ya mobu).
Ho a hlokahala ho tseba boemo ba jwale ba masimo ka ha sena se tla tshwaetsa mokgwa wa ho sebedisa mobu ona nakong e tlang.
Ho tla nne ho dule ho ena le mobu o senyehang feela - sena se kenyeletsa ditsela, kgaketla tse omelletseng tsa mobu hammoho le mobu oo moaho o leng hodima ona.
Ho hlokolosi hore sampole tsa mobu di nkuwe bonyane lemong tse ding le tse ding tse pedi. Manyolo ke e nngwe ya ditshenyehelo tsa sehlooho tlhahisong ya dijothollo, mme ka hoo, ho tshwanetse ho sebediswa manyolo a nepahetseng masimong ohle.
Molemi a ka nna a tshwanela ho lefella ho sampolwa ha mobu. Ena ke tjhelete e sebediswang hantle ruri.
O tshwanetse ho sebedisa mekgwa e nepahetseng ha o nka disampole tsa mobu.
O tshwanetse ho nka disampole tsa mobu o ka hodimo le o ka tlase.
Sampole ka nngwe e tshwanetse ho tshwauwa ka ho hlaka, kas lebitso le aterese ya molemi, lebitso la polasi, hammoho le nomoro ya masimo (Sena se ka ba le ditlamorao tse mpe haholo ha se sa etswe ka nepo).
Omnia (hammoho le dikhamphane tse ding tsa manyolo).
Hopola ho kopa hore ho shejwe hore mobu o na le letsopa le lekae.
Kopa kgothaletso ya manyolo ka yona nako eo.
Kuno e habilweng ka sejothollo seo.
O ka sebedisa metsi a makae?
<fn>PulaImvula. ActivitiesMaize.2009-10.st.txt</fn>
Mesebetsi ya polasi - o leka ho etsa eng?
Mohlomong mabaka a mangata hobaneng o batla ho sebedisa masimo ao o nang le ona.
Ho sebedisa mobu o fumanehang wa temo.
Bolemi bo fupere tlhahiso ya dijo le tshwele. Hore o be sehwai se atlehileng, ho tla hlokahala kutlwisiso e ntle ya dimela, diphoofolo, metjhine le tsamaiso.
Dikarolo tse fapaneng tsa dimela di ka sebediswa molemong wa kgwebo - metso (jwalo ka dihweteng), mahlaku (jwalo ka khabetjheng), tholwana (perekisi) kapa peo (pooneng). Dimela di ka nna tsa sebediswa ka ho otloloha ke batho kapa diphoofolo, kapa dihlahiswa di ka nna tsa sebetswa ka metjhine tsa nka sebopeho se seng.
Motheong, dimela di hloka mobu, metsi, motjheso, kganya le menontsha hore di hole. Nakong ya mohato wa kgolo, dimela di na le metso, dikutu le mahlaku. Tsena di sebetsa jwalo ka feme ho thusa semela ho hlahisa peo (mabapi le boikatiso).
Tse panwang (dipere, ditonki le dipholo).
Ruri diphoofolo di sebetsa jwalo ka fekteri e nyane, ka ho fetola tseo di di jang (tseo hangata di hlahiswang polasing) ho di fetolela ho tseo di boloketsweng hona (nama, lebese, boya, j.j.). Motheong, boholo ba mosebetsi wa polasing bo tshwanetse ho shebana le tlhahiso ya dijo tsa phoofolo (mohlala, molemi ya sebetsang ka nama ya kgomo a ka tadingwa e le mohlahisi wa jwang, hobane ntle ho jwang, o sitwa ho hlahisa nama ya kgomo eo a ka e rekisang).
A itshetlehile ka dintlha tse fapaneng jwalo ka mofuta wa bohwebi ba hae, tlelaemete, tseo a ikgethelang tsona, mmaraka wa selehae, j.j., molemi o tlamehile ho etsa qeto mabapi le hore ke diphoofolo dife tseo a batlang ho ba le tsona.
Dipere le ditonki - haholoholo mabapile ho panwa.
Ho etsa mosebetsi kaofela wa polasing ka matsoho e ka ba taba e boima, e kgathatsang. Mesebetsi ya metjhine e reretswe ho eketsa bokgoni - ho etsa dintho ka potlako le ka mokgwa o hlwahlwa.
Mohlodi wa matla a ho hula e ka ba dipholo, dipere kapa diterekere. Tsena di ka sebedisetswa ho hula disebediswa nakong ya ho phethola mobu, ho jala dimela, ho laola mahola, ho kotula dijothollo kapa teranseporoto. Kgetho ya tse hulang e tla laolwa feela ke tseo molemi a nang le tsona hammoho le boholo le mofuta wa masimo ao a a sebetsang.
Tsamaiso e ka hlaloswa e le ho kopanngwa ha mehlodi kaofela eo molemi a nang le yona (masimo, dimela, diphoofolo, metjhine le tjhelete) e le hore a fihlelle sepheo sa tlhahiso ya dijo, ya tjhelete kapa tshebediso ya masimo.
Hore bohwebi bo kgone ho tswela pele, mehlodi kaofela e tshwanetse ho sebediswa ka matla - tsena di kenyelletsa tjhelete, batho, masimo, dimela, diphoofolo, metjhine le mebaraka.
Tsamaiso ditjheleteng le ho bolokwa ha direkoto ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tsamaisong ya bolemi, mme sena se tshwanetse ho etswa kgafetsa le ka hloko e kgolo. Ha eba o sa etse phaello temong ya hao, sena se bolela hore o ka nna wa sitwa ho tswela pele ka bolemi nako e telele, ntle le ha eba o na le mehlodi e meng ya tjhelete eo o ka tshehetsang temo ya hao ka yona.
Ako iphe nako ya ho thuisa dipotso tse tlase mona - Ipotse potso ka nngwe, mme o ikarabe ka nnete. Ha eba o sa hlakelwa ke seo o lekang ho se fihlella, menyetla e teng ke ya hore o ka iphumana o le ka mosing - ha o sa tsebe moo o yang, o tla sitwa ho fihla moo o rerileng ho fihla!
Tse latelang mona di lokela ho elwa hloko pele ho etswa qeto ya hore ke dijothollo dife tse lokelang ho jalwa, ke diphoofolo dife tse lokelang ho ruuwa kapa ke dife tse ka etswang mmoho.
Hobaneng o le molemi?
Na polasi ke yona feela mohlodi wa hao wa tjhelete?
Ke batho ba bakae ba tla tshwanela ho dula polasing?
Na ke wena ya tla etsa mosebetsi kaofela?
Na tse hlahiswang di tla sebedisetswa wena feela kapa di tla rekiswa?
Na o na le takatso e itseng ya tlhaho mabapi le mosebetsi/morero o itseng?
Ke phaello efe eo o tla e labella boleming ba hao?
Na o hloka kwetliso e le ho ntlafatsa tsebo le bokgoni bo amanang le bolemi?
Hobaneng ha kgiro e tshireletsehileng ya mobu e le bohlokwa?
Na o na le katamelo ya semolao masimong?
O ka fumana masimo jwang?
Na ke masimo a hao?
Na o setho sa sehlopha se ruileng masimo?
Ha eba o setho sa sehlopha, sehlopha se ngodisitswe e le sa eng?
Na o na le molaotheo / lengolo le tiisitsweng (trust deed) le laolang kamano pakeng tsa ditho tsa sehlopha?
Na ho teng ditho tsa sehlopha tse seng di sa kena boleming?
Ho etsahala eng ha ditho tseo tse seng di sa etse letho di kgutlela boleming?
Na o na le tumello ya ho sebedisa masimo a setjhaba?
Na o na le tumello ya semolao ya kgirisetso?
Nako ya kgirisetso ke e kae?
Ke dihekthara tse kae tseo o ka di sebedisang?
Ke dihekthara tse kae tsa makgulo a tlhaho?
Ke dihekthara tse kae tsa makgulo a kgethilweng?
Ke dihekthara tse kae tsa mobu o ka lengwang?
Ke dihekthara tse kae tsa mobu o nosetswang?
Bokgoni kaofela bo ka jarwang ke polasi ke bo bokae?
Na masimo a ka fihlellwa ha bonolo ka tsela?
Ha eba o hlahisa ntho e boima (dijothollo kapa meroho e mengata), na dilori (makoloi) a tla kgona ho tsamaisa thepa?
Na masimo a haufi le sebaka sa bodulo moo boshodu e ka nnang ya eba qaka?
Na masimo a tshireleditswe hantle ka terata?
O na le mefuta efe ya mobu?
Botebo ba mobu ke bofe?
Motheo (ho sekama) wa mobu ke ojwang?
O lebelletse pula e kae selemong?
O lebelletse pula neng?
Ke kgweding dife moo hangata e leng komello?
Na sebaka sa hao se ba le serame mariha?
O lebelletse serame sa pele sa selemo neng?
O tla lebella seramo sa ho qetela sa selemo neng?
Na o na le diterekere le disebediswa?
Na o ka hira terekere le disebediswa ha eba ha o na tsona?
Na sesebediswa seo o hopotseng ho se hira se ka fumaneha ha o se hloka, kapa o tla ema moleng ha sehla se ntse se tsamaya?
Ho hira sesebediswa ho tla ja bokae?
Na o na le mmaraka wa sehlahiswa seo o hopotseng ho se hlahisa?
Ke bomang bareki ba sehlahiswa sa hao?
Na o na le kgokahano le bareki?
Theko ya jwale ke bokae ya sehlahiswa seo o hopotseng ho se hlahisa?
Dihlahiswa tsa hao o tla di fihlisa jwang mmarakeng?
Na o utlwisisa boemo ba boleng ba tseo o batlang ho di hlahisa?
Na o na le boiphihlelo ka dikonteraka tsa mmaraka?
Na o na le metsi a ka sebediswang ho nosetsa?
Na o se o ingodisitse le lekgotla la selehae la metsi hore o kgone ho sebedisa metsi?
Ke metsi a makae ao o ka a sebedisang?
O ingodisitse ho nosetsa boholo bo bokae ba masimo?
Ha eba o sebedisa metsi a boro, na boro ya hao e ngodisitswe?
Mothamo wa boro ya hao ke o mokae?
Ditlhoko tsa metsi tsa dijothollo tseo o di hlahisang ke dife?
O rerile ho jala eng?
Na o tseba hore ditjeo tse otlolohileng hekthara ka nngwe e tla ba bokae (diesel, peo, manyolo, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, inshorense ya dijothollo)?
Na o tseba hore ditjeo tsa sehlooho ke bokae ka selemo (motlakase, tswala, meputso le ditefo tsa nakwana, ditokiso, tlhokomelo, j.j.)?
Na o tshwere tjhelete e ka nnang ya batlahala?
Na o entse kopo ya tjhelete ya kadimo?
Tswala tjheleteng ya kadimo ke bokae?
Tjhelete e tla fumaneha neng?
Ho ya ka palohare ya kuno, na o tla kgona ho etsa phaello?
O tla kgona ho qhoba jwang ho fihlela dijothollo di kotulwa?
Na o na le teranseporoto ya ho tlisa thepa ya hao polasing?
Na o na le teranseporoto ya ho isa dihlahiswa mmarakeng ho tloha polasing?
Ditjeo tsa teranseporoto ke bokae?
Na o kenyelleditse ditjeo tsena moralong/morerong wa hao?
Na o tseba hore ke disebediswa dife tse hlokahalang ho hlahisa dihlahiswa?
Disebediswa tsena o ka di reka hokae?
O tla tsamaisa disebediswa tsena jwang ka teranseporoto?
Theko ya dihlahiswa tsena ke bokae papisong le bafepedi (suppliers) ba bang?
Na o tseba hore ke bongata bo bokae ba sesebediswa ka seng boo o tla bo hloka?
Na o hlophisitse ditaba tsa hao hantle?
O dula bohole bo bokae le masimo ao o a sebetsang?
Ke kgafetsa hakae o tla kgona ho finyella masimong?
Na ho tla ba teng motho ya ikarabellang polasing ka nako tsohle?
Ho tla o ja bokae ho ya le ho kgutla polasing?
Hang ha dijothollo di kotutswe, di tla bolokwa hokae?
Sebaka sena sa polokelo se tla o ja bokae?
Ke dijothollo tsa mothamo ofe wa mongobo tse ka bolokwang setorong?
O tla omisa dijothollo hokae hore di be mothamong o nepahetseng wa mongobo?
Na o rerile ho rekisa dijothollo hanghang kapa na o rerile ho di boloka setorong ho fihlela ha theko ya tsona e nepahetse?
Na o na le katamelo tshehetsong ya diofisiri tsa katoloso tsa Lefapha la Temo?
Ke bafe batho ba bang ba ka o thusang?
Na o na le konteraka le balemi ba bahwebi ba selehae ba ka nnang ba thahasella ho o thusa le ho o tshehetsa?
Ke ditlwaelo dife tsa temo tse etswang ke balemi ba bahwebi ba selehae?
Na o itlamahantse le balemi ba selehae moo le ka buisanang ka taba tsa sehlooho?
Na ho na le kgonahalo ya hore o ka eketsa boleng dihlahisweng tsa hao?
<fn>PulaImvula. AssetsMaize.2009-07.st.txt</fn>
Tsa boleng le tsa merwalo - o di ruile kapa di fetohile morwalo?
Jwalo ka rakgwebo le mohlahisi, o tlamehile ho ba le statemente se hlakileng sa thepa ya hao ya boleng le thepa ya tsa merwalo. O ruile dife, mme tseo e leng morwalo ke dife?
Bolemi ke kgwebo, mme bolemi ka dijothollo bo kenyeletsa ditjhelete tse ngata.
Hangata mohlahisi o tlameha ho etsa kadimo ya tse ding kapa ya tsohle tse sebediswang mobung.
Mekgatlo e adimisanang e tlamehile ho ba le setshwantsho se phethahetseng sa kgwebo tsa bahlahisi - e tlamehile ho tseba dintlha tse nepahetseng tsa thepa yohle e nang le boleng (boleng bo etswe ka mokgwa o kgodisang) hammoho le yohle eo e leng morwalo. Hangata bahlahisi ba tshaba ho totobatsa dintlha tsena, empa mekgatlo e adimanang ka tjhelete e kgona ho fihlella direkoto kaofela tsa ditjhelete (jwalo ka ha ho boletswe Molaong wa Credit), mme ha o sa bolele nnete yohle, mekgatlo ena e tla iphumanela dintlha tsena, mme ka hoo, o tla be o lahlehetswe ke seriti sa hao hammoho le monyetla o kgonahalang wa ho adingwa tjhelete.
Ha eba o tshwanela ho ba sehwai sa mmakgonthe o tlamehile ho ema hantle lehlakoreng la dikadimo tsohle tsa hao - totobatsa setshwantsho sohle sa maemo a ditaba, mme o dumelle bao ba nang le tsebo e hlokahalang ya ditjhelete ho o thusa.
<fn>PulaImvula. Banner.2007-12.st.txt</fn>
Ke sehlopha sefe sa boithuto se entseng folaga e ntle ka ho fetisisa?
Insert: Tlhodisano ya folaga e ntle ka ho fetisisa ya Sehlopha sa Boithuto sa Naha!
E nngwe ya diprojeke tsa bohlokwa tsa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho hlongwa le ho hlokomelwa ha dihlopha tsa boithuto.
Philip Olivier, Kaapa Botjhabela.
Sepheo sa dihlopha tsa boithuto ke: Ho kgothatsa balemi ba tswelang pele, ba kgonang ho ba le mobu, ho hloma dihlopha tsa boithuto tse kopanang kgafetsa ho fumana kwetliso le tlhahisoleseding e mabapi le indasteri ya poone.
Kgetlo la pele, selemong sena, Johan Kriel o simollotse tlhodisano pakeng tsa dihlopha tsa boithuto mabapi le folaga e ntle ka ho fetisisa. Difolaga tsena di sebediswa dikopanong tsohle tsa sehlopha sa boithuto le matsatsing a balemi, ho fa balemi boitsebahatso le maikutlo a bonngwe. Ditshwantsho tse bontshwang mona di fana ka setshwantsho sa boleng ba difolaga tsena. Ka ha tlhodisano ena e ile ya tshwarwa feela Foreisetata, artikele ena e fetisetsa mohopolo ona le mabatoweng a mang.
Re tla ema re le malala-a-laotswe, re lebelletse ho romellwa difolaga tse tswang ho bahokahanyimmoho ba diprovense - Eka folaga e ntle ka ho fetisisa e ka ba yona e hlolang!
<fn>PulaImvula. Barley(wheat).2011-06-07.st.txt</fn>
2010 e bile selemo sa diphephetso mabapi le ho jalwa ha Kgarese Sekemeng sa Nosetso sa Taung. Diphephetso tse fapaneng ho ile ha kopanwa le tsona, hara tse ding, ho kenngwa ha mefuta ya sepiriti, serame le mohatsela tse bileng teng ho fihlela ka Loetse, dipula tse neleng, sefako le ho phetholwa ho honyane ha mobu.
Ho kenngwa ha sepiriti, mofuta o motjha Sekemeng sa Nosetso Taung, e bile phephetso e kgolo. Sepiriti se iponahaditse hore ke mofuta o hlahisang ditone tse hodimo haholo. Nalaneng ya ho jalwa ha kgarese Taung, sepiriti ke mofuta wa pele o hlahisitseng ditone tse hlahisitsweng selemong se ka pele. Ho bile teng masimo a kgonneng ho hlahisa 7,9 ditone hekthara ka nngwe. Ha e ne e se ka baka la diphephetso tse boletsweng, sepiriti se ka be se bontshitse molemo wa sona. Bothata e bile ho sefuwa le nitrojene tse neng di se maemong a SABM. Hona ho bontshitse kgatelopele ditoneng tsa kgarese haesale se kenngwa Sekemeng sa Nosetso Taung ka 1981.
2010 e bile selemo se ileng sa hlaselwa ke serame/lehlwa. Mohatsela le serame di nnile tsa tswela pele ho fihlela ka Mphalane. Hona ho bolela hore serame se amme kgarese mehatong e fapaneng, ho tloha mohatong wa ho etsa dikotola, wa ho etsa dipalesa, ho fihlela ha e se e batla e butswitse. Hona ho amme kgarese hampe. Maemo a tlelaemete a bohlokwa haholo ho jalweng ha kgarese. Ho bile teng 1, 129 ditone, tseo ho tsona nitrojene e bileng tlasa 1,35, e leng e bileng maemong a amohelehang a SABM. Selemong se fetileng 33 ditone di ile tsa rekiswa e le tse sefuweng.
Pula e ngata haholo e ka ama boleng ba kgarese. Nakong ya kotulo ka 2010 e bile hape nako ya dipula tsa hlabula. Kotulo ya kgarese e simollotse ka Pudungwana 8 le ka Pudungwana 12, dipula tsa hlabula tsa qala ho na. Ka nako eo, kgarese e nyane e ile ya kotulwa. Masimo a neng a sa kotulwa a ile a tshwarwa ke dipula, mme a kopana le ho bitswang "ho mela pele ho nako" (pre-germination). Le ha ho le jwalo, SABMe ile ya etsa diphuputso mabapi le ka moo bona hammoho le balemi ba ka thusanang ka teng le ka moo ba ka sebedisang kgarese ena molemong wa bona ka teng.
Tlhaselo ya serame e ka fokotsa tlhahiso le kotulo. Dihekthara tse ka bang 140 di ile tsa angwa ke serame. Serame se ile sa hlasela makgetlo a mararo a latelanang. Ho ya ka dikhamphane tsa inshorense, tshenyo e bile pakeng tsa diperesente tse hlano le mashome a mane. Hona ho bontsha mohato wa tshenyo le hore o bile jwang kunong. Masimo a tsejwang a hlahisa ditone tse pakeng tsa tse tsheletseng le tse supileng hekthara ka nngwe, a kgonne feela ho hlahisa ditone tse 4,9 hekthara ka nngwe.
Ho bile bohlokwa ho fumana ditsela tsa ho fokotsa ditjeo tsa disebediswa ka baka la maemo a infoleishene. Ka baka lena, ho bile molemo ho sebedisa mokgwa wa ho phetholwa ho honyane ha mobu. Mokgwa ona ke wa phokotso ya disebediswa tsa ho lema - o tswela pele ka mesebetsi e mengata ka nako e le nngwe. Ka mokgwa ona o ka kgaola, wa jala le ho kenya manyolo ka nako e le nngwe. Ho sebedisa mokgwa ona ho a kgonahala ho hlahisa 6,8 ditone hekthara ka nngwe dihekthareng tse lekgolo le mashome a mabedi.
Selemong sena, balemi ba shebane le diphephetso tse ngata tseo ba ithutileng tse ngata ho tsona. Kotulong, ditone tse 3 688 e bile tsa furu.
<fn>PulaImvula. Beef(maize).2011-07-07.st.txt</fn>
Boitokisetso ba mohlape wa nama ya kgomo mabapi le sehla se ommeng sa mariha bo hloka ho rerwa ka hloko. Balemi ba tlamehile ho rera le ho itokisetsa sehla ka hloko hore ba be le bonnete ba hore diphetho tse ntle ka ho fetisisa di a fihlellwa, e leng tse kgannelang tshebetsong e matla, e atlehileng, e tshwarellang ya kgwebo.
Makgulo a tlhaho a ho fudisa ke ona mohlodi wa sehlooho wa mehlape ya lapeng Afrika Borwa. Ha mariha a atamela, makgulo ana a tlhaho a majwang a qalella ho omella, mme qetellong phepo e ngata e fokotseha kapele, mme le boleng ba menontsha bo leng teng bo a senyeha.
Nakong ya mariha, protheine ya jwang e ba tlase, mme ya lignin yona e a phahama. Dikgomo di lahlehelwa ke boemo ba tsona kapele ha makgulo a tlhaho a le mabe, mme di sitwa ho fa diphoofolo menontsha e lokelang, e leng sebopehong sa mehato ya protheine e ka sebediswang ke dikgomo, mme hona moo mehato e phahameng ya lignin e etsa hore dikgomo di je jwang bo bonyane ka ha di fumana bo sa latswehe ha monate.
Nahana taba ya ho rekisa diphoofolo tse sa nepaneng hantle le sepheo sa nako e telele sa kgwebo. Diphoofolo tsena di ja dijo tse ka mpang tsa jewa ke diphoofolo tse nang le molemo. Leqheka lena le tla batla hore molemi a shebisise hantle hore ke dijo tse kae tsa tlatsetso, tsa mariha, tse lokelang ho rekwa, le hore na a ka kgona ho sebedisa tjhelete e kae mohatong oo. Tsebo ena e fa molemi bokgoni ba ho tseba hore ke diphoofolo tse kae tseo a ka kgonang ho di fepa nakong ya mariha. Mme jwale ho tla hlokahala hore a hlwaye dikgomo tsa bohlokwa tse tswalang, tse nang le matshwao a matle ka ho fetisisa, tse tla eketsa boleng ba mohlape nakong e tlang. Ho molemo ho rekisa e sa le nako diphoofolo tse tshwaetsweng ho rekiswa pele di qalella ho baka mathata ka baka la kgaello ya ho fepuwa, e leng ha di sa ntse di le ntle mahlong a moreki ya ka lefang tjhelete e ntlenyana. Diphoofolo tsena di ke ke tsa kenya molemi dikolotong, mme di ke ke tsa eketsa kgatello e nngwe makgulong ha sehla se fetoha. Sheba mmaraka hobane hangata ditheko di atusa ho theoha nakong eo ho rekiswang diphoofolo tse ngata pelenyana mariha a kena. Tjhelete e kenang thekisong ya diphoofolo e thusa molemi hore a kgone ho lefella dijo tse hlokahalang tsa mariha hore maemo e be a matle mehlapeng e setseng hore e kgone ho phunyeletsa nakong tsa komello tsa mariha.
Phokotso ya mehlape e ka boloka nako, tjhelete, makgulo le mehlodi ya mobu, mme ruri ke taba lokelang ho nahanisiswa e le sesebediswa sa tsamaiso, mme ho feta mona, diphoofolo di ka nna tsa nkelwa sebaka ke tse ding qetellong ya nako ya komello haeba ditekanyetso di ile tsa tsamaiswa ka makgethe.
Phepo ya tlatsetso ke karolo ya motheo wa tsamaiso ya mehlape ho ya feta mariheng.
Nakong e telele ya komello, ha makgulo a ho fudisa a se a haellwa ke menontsha ya mehlape, diphoofolo di qeta mafura a yona, e leng se qetellang ka tahlehelo ya boima le boemo. Eneji (matla), protheine le tshwele, ke dikarolo tsa bohlokwa tsa phepo ya diphoofolo selemong sohle, mme phepo ya tlatsetso e ka fihlella ditlhoko tsena ha molemi a ka kenyeletsa tsena mehloding ya hae ya phepo, e kang kgarese, dijothollo, metswako e entsweng ya phepo, hammoho le lick ya tlhaho tlatselletsong ya makgulo a setseng.
Haeba bahlahisi ba nama ya kgomo ba sa rere maqheka a bona a mariha nako e sa le teng, tahlehelo ditjheleteng e tla ba e boima haeba dijo di tshwanela ho rekwa morao, nakong eo ditheko tsa dijo di phahameng ka ho fetisisa. Etsa hore o tsebe ditshenyehelo nako e sa le teng, mme o kenyeletse le ditjeo tsa teranseporoto. Etsa qeto hore na o tla reka thepa e ngata ka nako e le nngwe kapa hanyane ka mekotla. Ditjeo tsa mafura le tsona di tla ama ditekanyetso tsa hao.
Tahlehelo e nngwe e ipatileng ke e sa hlokahaleng, e bakwang ke ho ima ho fokolang ha dikgomo hoo qetellong ho bakang tahlehelo ya tjhelete ka manamane a neng a tshwenetse hore ebe a tswetswe pelenyana ho sehla se hlahlamamng sa lehlabula. Nnete ke hore ho tiisitswe hore haeba dikgomo di le tshesanyane nakong ya tsona e sa le manamane, sekgahla sa tsona sa ho ima se tla fokotseha ka matsatsi a 60 ho isa ho a 90 nakong ya ho ima, mme ka hoo, sena se tla ama hampe saekele yohle e hlahlamang ya ho ima.
Ha diphoofolo tse fulang di kenngwa phepong e ntjha boitokisetsong ba sehla sa komello, sena se tshwanetse ho etswa butle ka ha nako ya dibeke tse isang ho tse nne ya ho fetohela mokgweng o mong, e hlokahala. Fetohela phepong tse ntjha butlebutle ka ha phepo e fetohang ka sekgahla se seholo e ka nna ya kudisa diphoofolo. Dijo tsa dijothollo di tshwanetse ho kenngwa phepong ya diphoofolo butle ka ha diphoofolo di ka nna tsa ja ka ho kgala, mme tsa ba le lesokolla. Sesosa sa lesokolla ke setatjhe se sengata haholo le tshwele e nyane haholo e silehang. Furu le ditlheferetsi ke dintho tsa bohlokwa motswakong ka ha di tlisa tekatekano dijong le ho thibela malwetse. Metswako e rekiswang, e seng e lokisitswe, e molemo haholo, empa theko ya yona e phahame. Molemi ya tsebang taba tsa hae o tshwanetse ho ba le bokgoni ba ho ka iketsetsa motswako ka boyena ka ho sebedisa seo a nang le sona kapa seo a ka se fumanang haufi. Ke taba e ntle ho fumana keletso ka mehla ho ditsebi tsa selehae tsa menontsha ya diphoofolo mabapi le dirisepe tse loketseng, ka ha mofuta ka mong wa mohlape o na le ditlhoko tsa ona tse ikgethileng.
Le nakong ya komello, molemi o ntse a tshwanetse ho ba le tsamaiso e ntle makgulong a hae. Makgulo ha a tshwanela ho fudiswa ho feta tekano hobane mobu o tsotseng o kgannela kotsing ya ho hoholwa ha mobu ke moya kapa ke metsi nakong tse mpe tsa dikgohola, mme boholo ba menontsha ya bohlokwa e mobung o ka hodimo. Ha komello e lelefala, molemi o tshwanetse ho nahana ka ho boloka diphoofolo dibakeng tse nyane le ho fokotsa tshenyo e ka bang teng ho tsohle tse melang tsa tlhaho.
Bophelo bo botle ba diphoofolo bo tshwanetse ho dula bo beilwe leihlo ka hloko ka ha dikokwanyana kapa malwetse hangata di hlasela mehlape dikgweding tsa komello, ka ha nakong ena diphoofolo di ye be di fokola.
Ntlha e boima haholo ya tsamaiso mehlapeng ya nama ya kgomo ke nako ya phepo nakong ya mariha. Ka hoo, tsamaiso ntlheng ena e tshwanetse ho etswa ka hloko ho tiisa hore phaello e ba ntle. Molemi e mong le e mong o tla etsa qeto hore o nka moralo ofe wa tshebetso o tla dumellana le maemo a masimo a hae le pokotho ya hae. Ka nako e nngwe o tla etsa phepelo ya tlatsetso hore feela a boloke boemo bo botle ba diphoofolo tsa hae nakong ya dikgwedi tsa mariha, mme ka nako tse ding, maemo a matle a hae bankeng a tla tiisa hore manamane a hae a kgwesitsweng a tswela pele letsatsi le letsatsi ho eketsa boima ba ona. Molemi ya atlehileng wa nama ya kgomo o tshwanetse ho ba le tsamaiso e ntle, ho sebedisa sekgahla se nepahetseng sa keketso ya mehlape, le ho etsa hore lehlabula le be lelelele ka moo ho kgonahalang ka teng!
<fn>PulaImvula. BioEthanol.2008-03.st.txt</fn>
Bio ethanol - ho etsahala eng sedikadikweng sa dipolotike?
Ha eba o ne o ntse o etse hloko ntshetsopele ya moralo wa tshebetso e shebaneng le dipuisano mabapi le biofuels (mafura a entsweng ka dimela), o tla tseba hore ho teng pelaelo mabapi le tshebediso ya poone, mohlodi wa bohlokwa wa dijo, tsebedisong ya yona ho etsa mafura! Ka nako e le nngwe ho teng maikutlo a tswalwang ke dipatlisiso tsa ba bang ba dumelang hore poone indastering ya ethanol e ka nna ya ba le sekgahla se setle tshireletsong ya dijo.
Balemi ba poone ba shebane le ho fetofetoha ho matla tjheleteng e lefuwang dihlahiswa tsa bona, e leng se itshetlehileng tabeng ya hore kotulo ya bona e tla ba e atlehileng kapa tjhe. E bile nakong ya tlhahiso e phahameng ya poone moo theko ya poone e ileng ya theoha haholo dihleng tse pedi tse fetileng, mme sena se ile sa thefula bahlahisi hoo ba ileng ba simolla ho batlana le mebaraka e metjha ya dijothollo tsa bona.
Wessel Lemmer, moikonomi ya ka sehloohong wa Grain SA o boletse hore Afrika Borwa e hlahisa ditone tsa dimilione tse 8,6 tsa poone ka selemo, le hoja e na le bokgoni ba ho hlahisa ditone tsa dimilione tse 12. Ke dihekthara tse fetang milione tsa mobu o ituletseng feela, ka baka la mebaraka e fokolang nakong ya dilemo tse mashome a mabedi tse fetileng. Balemi ba ile ba tlameha ho mamella ditjeo tse phahamang ka sekgahla mabapi le tseo ba di sebedisang masimong kgahlanong le theko e sa tsitsang, e fetofetohang, ya poone, e leng e bakang hore tlhahiso ya poone e fetohe tshebetso e sa tshireletsehang. "Ha eba re ena le mmaraka wa ditone tsa dimilione tse tharo tse ka kgonehang," o bontshitse jwalo, "re etsa diphehiso tse kgolohadi kgolong ya ikonomi naheng ena."
Empa ho sa boetse ho teng ba bang ba tshabang ho sebedisa poone e le mohlodi o o le mong feela o ka sebediswang wa eneji, ba bonang sena e le mokgwa o ka nnang wa phahamisa ditheko tsa dijo tse jewang haholo letsatsi le letsatsi, le ho beha tshireletso ya dijo ka mosing setjhabeng se itshetlehileng ka poone jwalo ka dijo tsa motheo bathong ba sona. Nakong ya Phupu 2007, letona la Saense le Theknoloji, Mosibudi Mangena, o boletse hore basebetsi ba mmuso ba ile ba qalella ho ipelaetsa ka bohlale ba ho sebedisa poone e le mohlodi wa sehlooho wa eneji e ntjhafatswang. Tse ding tsa dipotso tse botsitsweng e bile: "Ha re kena tlhahisong ya ethanol ka tswekere le poone, sena se tla bolela eng mabapi le tshireletso dijong" o boletse jwalo?
Kgweding ya Phato, mmusisi wa banka ya bohareng ya Afrika Borwa, Tito Mboweni, o entse tlhokomediso ya hore tshekamelo ya lefatshe ya ho sebedisa poone e le mohlodi wa ethanol e bakile hore ditheko tsa poone di phahame haholo. O eleditse mmuso hore le hoja re lemoha bohlokwa ba ho hlahisa mafura a biofuel, ho tshwenyeha ha hae ke poone-ho-etsa-ethanol, mme a ikutlwa hore tsela e tshwanetseng ho latelwa ke ya tswekere-ho-etsa-ethanol.
Grain SA hammoho le ba Chamber ya Agribusiness, ba Khansele ya Mmaraka wa Naha ho tsa Temo hammoho le baemedi ba Mokgatlo wa Biofuels wa Afrika Borwa, kapa SA Biofuels Association (SABA), ba ile ba kopana le Monghadi Mboweni moo ba ileng ba teka raporoto e bontshang tshwaetso e ntle eo poone-ho-etsa-ethanol e ka bang le yona tlhahisong ya poone le tshireletsong ya dijo.
Andrew Makenete, mopresidente wa SABA, o dumela hore indasteri ya biofuels e fana ka menyetla ho ya ka mabaka a mangata. E tla hohela matsete dibakeng tsa mahaeng le ho kgothaletsa ntshetsopele e batlehang haholo ya temo, e tla ba le sekgahla se setle baleming ba ntseng ba thuthuha naheng ena. SABA e dumellana le Afrika Borwa mabapi le mokgwa wa pokello ya dijo tse ngata tsa diphoofolo o tla kenyeletsa eseng feela poone empa le lehlaka la mmoba, bete ya tswekere (sugar beet), mabele a tswekere le a dijothollo, hara tse ding.
Polelo e nngwe e tshehetsang indasteri ya poone-ho-etsa-ethanol ke ya Kobus Lindeque, MD wa Monsanto boemeding ba Afrika e lebatoweng la Sahara e tlase. O dumela hore projeke efe kapa efe ya poone-ho-etsa-ethanol ka tlhoko e kgolo ya yona ya poone e tla fana ka monyetla o phethahetseng wa hore mmuso o behe balemi ba batsho mapolasing e le karolo ya leano la ntjhafatso ya naha.
Ka mora tiehiso e telele, mmuso o phatlaladitse Leqheka la ona la Biofuels e sa le pele kgweding ya Tshitwe 2007.
Phetoho e kgolo leqhekeng la ho thakgola ke ho amohela ponelopele ya nako e kgutshwane (dilemo tse 5 tsa teko) ho fihlella 2% ya mehato ya ho kenella ha biofuel phepelong ya mafura a metsi (sephalli) boemong ba naha, kapa dilithara tse dimilione tse 400 ka selemo. Tebello e se e hlahlobisitswe hape ho tloha diperesenteng tse 4,5, e leng tse neng di lebelletswe tshimolohong tokomaneng ya moralo. Dijothollo tse latelang ke tseo ho entsweng tlhahiso ka tsona mabapi le tlhahiso ya biofuels naheng: mabapi le bio-ethanol ke lehlaka la tswekere le bete ya tswekere (sugar beet), mme bakeng sa biodiesel ke soneblomo, canola le dinawa tsa soya. Ho teelwa ka thoko ha dijothollo tse ding tse kang poone le Jatropha ho etswa ka baka la tshabo mabapi le tshireletso ya dijo. Phuputso e tswelang pele e sa hlokahala ho beha tekong tshebediso ya tsena naheng ya rona.
"Palo ya batsetedi ba bangata e se e hlahisitse thahasello ntshetsopeleng ya biofuels. Beng ba indasteri ya tswekere ba se ntse ba hlahisa bio-ethanol mabapi le mebaraka e romellang ka ntle dihlahiswa tsa alkhohol, mme ba ntshetsa pele mafura a ethanol dinaheng tsa boahelani. Bahlahisi ba bang ba poone, tshebedisanong le batsetedi ba poraevete, ba se ba hlahisitse maikemisetso a bona a ho aha ditsha tsa tlhahiso ya ethanol e etswang ka poone. Sena se ile sa kgikgiritsa ka baka la ho se be le bonnete bo hlakileng mabapi le melawana hammoho le tse ka ba fang mafolofolo, hape le ka baka la ho phahama ho hoholo ha ha theko ya poone ya lehae le ya matjhaba. Ho phahama ha theko ya poone ho bile teng haholoholo ka baka la U.S.A. e hlahisang diperesente tse batlang di etsa 50 tsa poone ya lefatshe, e leng moo e sebedisang 25% ya dijothollo tsa yona ho etsa ethanol, hammoho le phokotsehong e yang butlebutle tshehetsong ya tsa temo tse romellwang ka ntle. Ditheko tsa poone tsa matjhaba di a eketseha, mme tlhokeho ya dijo tsa motheo tse jewang ke batho ba bangata Mexico, tse neng di hokahane ka ho otloloha le matsete a biofuels, di entse hore Afrika Borwa e qhelele ka thoko poone mehatong ya yona ya mathomo ntshetsopeleng ya biofuels".
Ka kakaretso, mmuso o hlahisitse ho tshwenyeha ha ona mabapi le tshireletso ya dijo ha o ne o etsa phatlalatso ya qeto ya ona ho tlosa poone lenaneng la dijothollo tse ka sebediswang mehatong e simollang ya maqheka ao e sa leng a lebelletswe a biofuels, empa leqheka la jwale ke le ntseng le kgothalletsa tlhahiso ya biofuels ka 2013.
Ka baka la memo e tswang letoneng la Temo le Ditaba tsa Naha, mofumahatsana Lulu Xingwana, puisano e bile teng ka Labone la la 13 Tshitwe 2007, pakeng tsa lefapha la hae, Grain SA, Agri SA le NAFU. Puisano e ile ya beha maikutlo qetong ya Khabinete ya ho qhelela ka tholo poone leqhekeng la indasteri ya tlhahiso ya biofuels. O ile a tsebisa kopano hore qeto ya khabinete e ne e theilwe ho tshwenyeheng ha yona hore ho ke ke ha eba teng poone e lekaneng e tla sebediswa ho fepela indasteri ya biofuels, e leng se ka behang tshireletso ya dijo ka mosing.
O tswetse pele a re ha se sepheo sa khabinete ho teela poone ka thoko ha eba e ka hlahiswa e le ngata ho feta ditlhoko tsa naha, le hore ho sa ntse ho ena le kgonahalo ya ho tswela pele ka dipuisano mabapi le sena le letona la Diminerale le Eneji, mofumahatsana Buyelwa Sonjica hammoho le khabinete. Dipatlisiso tsa tlatsetso tsa komiti e kgethilweng mabapi le biofuels di tiisitse maikutlo a khabinete, ha feela Afrika Borwa e ka hlahisa poone e ngata ho feta ditlhoko tsa naha.
Ho ntshetsa pele tshebetso mohatong ona, ke boikarabelo ba indasteri ho hlahisa poone e ngata e le ho teka pela letona mabaka a hlokahalang ho ka kgodisa khabinete ho kenyeletsa poone leqhekeng la indasteri ya biofuels. Lebaka le bohlokwa ka ho fetisisa le tshwanetseng ho totobatswa ke hore ho thehwa ha mebaraka e metjha ya tlhahiso e fetang ditlhoko tse teng hajwale, ho tla ba le sekgahla se setle mabapi le tshireletso ya dijo.
<fn>PulaImvula. BoomMaize.2008-11.st.txt</fn>
Hlahisa kabo e lekanang ya sephalli ha ho palamana ho entswe ka tshwanelo.
Eba le tshebetso e hlwahlwa ka sefafatsi se sengata se bokellaneng tlasa molongwana ka mong.
Eba le tshebetso e sa tsitsang - ho hatellana le tshebetso e tlasa se lebelletsweng.
Mabapi le tlhahiso ya dijothollo, hangata ho fafatsa ho sebedisetswa ho bolaya mahola, dikokwanyana kapa ho kenya manyolo a monngwang ke mahlaku. Ditabeng tsa lengolo lena re leka ho shebisisa dikarolo tsa sefafatsi se fafaletsang hole (boom sprayer), le hore se sebetsa jwang.
Ho fafatsa kgahlanong le mahola ho ka nna ha etswa pele mahola a mela, kapa hang feela ha a se a eme masimong. Sena se ntse se etsahala le ka diboko kapa dikokwanyana - ka nako e nngwe o fafatsa mobu hang feela ha o qeta ho jala, e le ha o bolaya dikokwanyana kapa diboko tse ka nnang tsa eba teng mobung; kapa o fafatsa dikokwanyana ka ho otloloha (hona ho bitswa ho fafatsa ha thetsano kapa kamano ka ha mokgwa ona o bolaya kokwanyana ka ho otloloha), kapa o ka nna wa fafatsa semela, mme ebe kokwanyana e a shwa. Ha e se e jele semela se tjhefo - kokwanyana e bolawa ke ho ja semela se tjhefo, eseng ke marothodi ka boona.
Ho tshwanetse ho elwa hloko hore sefafatsi se tshwanetse ho fafatsa ka sekgahla se itseng hekthara ka nngwe ha eba ho lebelletswe tshebetso e itseng. Ha se tshwanelo ho sebedisa tjhefo e nyane haholo hekthara ka nngwe hobane etlaba o ke ke wa fihlella tshebetso eo o e batlang. Le teng ha se hantle ho fafatsa tjhefo e ngata haholo hobane hoo ke ditshenyehelo tsa ngata, mme le kotsi e ka nna ya eba teng.
Marothodi sefafatsing a ka nna a ba matenya kapa a ba masesanyane. Ha a le matenya ha a angwe ha bonolo ke moya, empa a tla imathela feela le ho tloha kapele hodima mahlaku. Ha ho sebediswa sefafatsi sa marothodi a masesanyane, metsi ha a mathe ha bonolo hodima mahlaku, empa marothodi a ka nna a fefolwa ha bonolo ke moya nakong eo ho fafatswang ka yona.
Ha sefafatsi se ntsha marothodi a masesanyane, se ntsha sephalli (liquid) se senyane - sa marothodi a matenya se ntsha sephalli se sengata. Sa marothodi a masesanyane se kgona ho fafatsa karolo e kgolo ya masimo ka mokgwa o phethahetseng. Sa marothodi a matenya se ka nna sa siya dikarolo tse itseng pakeng tsa marothodi, mme ka hoo dikarolo tse ding tsa masimo di ke ke tsa fihlellwa ka ho otloloha ke sona.
Ke taba ya bohlokwa hore o fafatse mohatong o nepahetseng wa kgolo ya lehola kapa e nepahetseng ya tlhaselo ya diboko. Hape ho boetse ho bohlokwa ho latela ditaelo mabapi le nako ya letsatsi ya ho sebedisa sefafatsi, hammoho le tse kang sekgahla sa komello dimeleng. Ke mosebetsi o ke keng wa thusa letho ho fafatsa ha mahola a se a entse peo hobane mahola a selemo se hlahlamang a se a le teng, kapa ho emela mahola ho hlodisana le dimela mabapi le mongobo le menontsha, ebe e le hona o fafatsang; hape ha ho baballe letho ho fafatsa semela mabapi le kokwanyana e itseng ha eba ke dikokwanyana tse seng kae feela tse bonahalang. Le ha ho le jwalo, ke ho suha rapo la puleng ho emela semela hore se qetwe ke lehola, e be e le hona o reng o fafatsa diboko/dikokwanyana.
Difafatsi di sebetsa jwang?
Melongwana e fapaneng ya difafatsi e entswe ka mokgwa wa ho hlahisa dipaterone tse fapaneng tsa ho fafatsa. Melongwana e fapaneng le ya boholo bo fapaneng e a fumaneha. Paterone e nkileng sebopeho sa fene, ka kakaretso e kgothaletswa ha ho fafatswa mobu. Paterone ya sefafatsi sa sebopeho sa khoune yona e atisa ho kgothaletswa ha ho fafatswa dimela ka ho otloloha.
Pompo e hlokahala ho ntsha sephalli ka hara tanka ya sefafatsi. Pompo e tshwanetse ho hatella sephalli e le hore molongwana o kgone ho fafatsa jwalo ka ha ho batlwa.
Ho teng diforeimi tsa mefuta e fapaneng tseo ho tsona ho hoketsweng tshepe tse telele tse fafatsang. Ditshepe tsena di ka nna tsa phuthwa ha ho tsamauwa, le ho bulwa - sena se ka etswa ka matsoho kapa ka hydrolike. Foreiming ya sefafatsi, ho teng moo ho sothwang teng ha ho phahamiswa ditshepe tsena kapa ha di nyehlisetswa fatshe. Mona moo ho sothwang teng, ho fapana ho ya ka difafatsi, mme ho tse ding ho sebediswa hydrolike, ha difafatsing tse ding e le diboutu (bolts) tse sothwang.
Ditanka di tshwanetse ho etswa ka disebediswa tse sa tshabeng mafoome, jwalo ka tshepe e sa beng mafoome (stainless), tshepe e tlotsitsweng (galvanised) kapa fibreglass. Tse sebediswang ha ho letho le ka monyelang ho tsona, e leng se bolelang hore ho ke ke ha eba teng masalla a tjhefo a ka sallang ka tankeng. Ho bohlokwa ho lokisa ho senyeha hofe kapa hofe ho ka bang teng tankeng, haholoholo ho ka bakang mafoome, ka ha sena se ka kgannela ho dutleng ha tanka.
Pompo le dikarolwana tsa yona di tshwanetse ho ba maemong a lokileng a tshebetso. Di-seal, o-rings, kapa di-washere tsa matlalo kapa polasetike, di ka nna tsa omella, tsa honyela, haeba sefafatsi se sa sebediswe nako e teletsana, kapa se bolokilwe ka mokgwa o sa nepahalang. Sephalli (liquid) metswakong e meng ya dibolayakokwanyana se ka nna sa senya seal tsa pompo, e leng se ka qetellang ka ho dutla dibakeng tse potapotileng pompo, kapa hona ho etsa hore e se sebetse ka tshwanelo. Boholo ba dipompo bo tlotswa ka oli, mme ho bohlokwa hore tekanyo (level) ya oli e dule e hlahlojwa kgafetsa ho tiisa hore e dula e se tlasa maemo a kotsi.
Tlosa dipeipi tse seng di fedile, tse petsohileng, tse dutlang, mme o kenye tse ntjha bakeng sa tsona. Hopola, dipeipi tse sebedisitsweng mabapi le dibolayakokwanyana ha ho bonolo hore di ka dula ho hang di hloka masalla a seo. Ho tla dula ho ntse ho ena le masalla ho tsona. Tse tse lahlwang di tshwanetse ho lahlwa e le ka nnete, mme di se sebediswe hape bakeng sa mosebetsi o mong.
Kamehla sebedisa disefe nakong eo sefafatsi se sebetsang ka yona. Tsena di sefa ditshila le mahlohlojane a ka nnang a thiba molongwana wa sefafatsi, mme tsa sitisa tshebetso e ntle ya sefafatsi.
Kgatello ya sephalli ka hara sefafatsi e dula e laolwa ke gauge (pressure gauge). Gauge e metha kgatello ya sefafatsi ka melongwana haeba e hoketswe pakeng tsa selekanyetsi (regulator) le melongwana ya sefafatsi. Se latelang ke hore phetoho e teng kgatellong hangata e supa phoso e teng kaekae tshebetsong. Etsa bonnete hore gauge tsa kgatello di maemong a lokileng a tshebetso.
Ho teng valve ya tshohanyetso (pressure relief valve) e ka sebediswang ho fetola (eketsa kapa ho fokotsa) kgatello. E ka bula e le ho dumellla bongata bo batlehang ba motswako hore bo fihle melongwaneng, mme ho setseng ho kgutlisetswa morao tanking, kapa e ka bulwa ka hohlehohle, e leng se bolelang hore motswako wa sefafatsi o tla potapota le ho mathiswa ka hara sesebediswa . Ona ke mokgwa o bohlokwa haholo o thibelang metswako hore e se dule karolong a tlase ya tanka nakong eo e sa sebetseng ka yona. Hangata ho teng dipompo tse ding tse ka etsang hore dikarolo tse ding tsa sefafatsi di kwalwe, di se ke tsa sebetsa. Sena se dumella sefafatsi ho ka fafatsa sebaka se sesesanyane kapa se sephara.
Sesosa hangata sa ho dutla ke ha tse kenngwang di kgwehla kapa di petsohile. Etsa bonnete hore tse kenngwang le tse tlamellwang di tiile le ho tshireletseha pele sesebediswa se eba tlasa kgatello ha se pompa sephalli. Hang ha sesebediswa se le tlasa kgatello, hlahloba moo ho dutlang.
Hlahloba melongwana nako le nako ho nnetefatsa hore ha e a thibana. Melongwana e seng e kgathetse e bolela hore ke khemikhale e ngatanyana e fafatswang, mme hangata sena se baka paterone e sa tsitsang ho fafatseng, le diphetho tse sa tsitsang. Masoba a melongwana a ka nna a fetoha, haholoholo ha ho sebediswa kgafetsa metswako e bohale, e kang diphofo tse kgonang ho ba mongobo. Kenya dikarolo tse ntjha ha ho bonahala hore ho fela (senyeha/kgathala) e se e le ho fetang ha molongwana o motjha ka 5-10%.
<fn>PulaImvula. BusinessMaize.2009-06.st.txt</fn>
Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso, Tsamaiso ya Temo mabapi le Phaello, e ngotsweng ke Marius Greyling.
Ho bokella lenane la tse hlokahalang mabapi le ho kganna kgwebo e ne e tla ba taba e batsi haholo ya lenane le fapaneng haholo. Ditlhoko kapa mehlodi ke dintho tse susumetswang ke dintlha tse kang mofuta wa kgwebo, boholo, nako, jj.
Kgwebo ya temo yona e tla kenyeletsa ditlhoko tse kang masimo, makgulo, matlo, ntlo eo ho sebeletswang ho yona, moo ho hamelwang teng, disebediswa tsa ho nosetsa, makoloi, metjhine, diterekere, dithuluse tsa ho sebetsa, mosebetsi kapa basebetsi, tjhelete le bomanejara. Ka kakaretso, mehlodi ena e hlokahalang e ka behwa tlasa dihloho tse kang tsamaiso, naha, tjhelete ya ho simolla (capital) le mosebetsi.
Naha - e kenyeletsa masimo, thota, makgulo, meaho hammoho le tse ding tse hlonngweng jwalo ka masaka, dikiri (ditshireletsi), matlo a diphoofolo le terata e potapotileng (fence).
Tjhelete ya ho simolla - e leng tjhelete e bonwang ka mahlo hammoho le maruo a mang a kang makoloi, diterekere, dinku le dikgomo.
Mosebetsi - e leng batho ba sebetsang polasing tlasa ditaelo tsa manejara/monga polasi.
Tsamaiso - motho kapa batho ba etsang diqeto mabapi le tsamaiso ya kgwebo.
Ntle le mosebetsi (ka ha o sitwa ho ba thepa ya kgwebo), dintlha tse ding tsa tlhahiso le tsohle tse kenyelletswang moo, e ka nna ya eba thepa ya kgwebo, kapa di ka adingwa kapa tsa hirwa ho ba bang. Ha naha, tjhelete ya ho simolla hammoho le tsamaiso, di adingwa kapa di hiriswa, dintlha tsa tlhahiso di nkuwa e le dintlha tsa ka ntle. Ntlha ke ya e mong osele kapa ba bang basele. E mong osele kapa monga thepa o tshwanetse ho lefuwa mabapi le ntlha ya hae e sebedisitsweng - ka mantswe a mang, ho teng tjeo kapa tshenyehelo e amehang.
Moputso - ditefello tsa ho sebedisa tsamaiso ya ka ntle.
Ela hloko hore mosebetsi, le hoja o ke ke wa tadingwa e le wa kgwebo, ha o tadingwe e le ntlha ya ka ntle. Ka baka lena, ditjeo tse kenyeletswang e le ditefello tsa mosebetsi - meputso hammoho le tsohle tse kenyeletswang ha se ditshenyehelo tsa ntlha ya ka ntle. Mosebetsi o tadingwa e le ditshenyehelo tse tlwaelehileng tsa tlhahiso ka kakaretso. Mosebeletsi o fana ka bokgoni ba seo a ka se etsang ka matsoho kapa kwetliso kapa tsebo. Tsena ke tseo a di tlisang kgwebong, mme o lefuwa mabapi le tsona.
<fn>PulaImvula. BusinessMaize.2009-07.st.txt</fn>
O tshwanetse ho kgetha mofuta ofe wa kgwebo?
Kgetho ya mofuta wa kgwebo ke qeto ya bohlokwa ha ho simollwa kgwebo e ntjha. Lebaka ke hobane mofuta wa kgwebo o fupere ditlamorao tse batsi tsa tsamaiso, boemo ba beng ba kgwebo, bomanejara hammoho le ditaba tsa ditjhelete tsa kgwebo e ntjha.
O mong le o mong wa mefuta e tsheletseng e bohlokwa ya kgwebo Afrika Borwa o a hlaloswa. Puisano e theilwe matshwaong a bohlokwa a supileng. Mekgwa e meng ya kgwebo e kenyelletsa kgwebo ya motho a le mong, boarolelani, khamphane, tshebedisano e atamelaneng (close corporation), truste (se tshepetsweng) ya kgwebo le tshebetso e kopanetsweng. Matshwao a supileng a kenyelletsa semelo sa mofuta ka mong wa kgwebo, dintlha tsa boteng ba tshebetso e kopanetsweng hammoho le boikarabelo, mehato e latelwang ha ho simollwa, boikarabelo tsamaisong, karolelano ya phaello le mojaro wa lekgetho, menyetla ya thuso ya ditjhelete le ho tswela pele (ho ya ho ile) ha kgwebo. Lengolo lena le tla teela ka ntle puisano mabapi le dikhamphane le tshebetso e kopanetsweng ka ha tsena ke ditaba tse batsi haholo, tse tshwanetseng ho tshohlwa di le ding mangolong a tla latela.
Kemonosi kgwebong e bohlokwa kgwebong tse nyane ka ha e ipatlela tjhelete e nyane ya ho simolla, mme e bonolo ho simollwa le ho tsamaiswa. Le ha ho le jwalo, mesebetsi ya ikonomi kgwebong ya kemonosi hangata e sitwa ho nama.
Kgwebo ya kemonosi ha se ba tshebetso e kopanetsweng, mme ka hoo, e itshetlehile kelellong le ho tseo monga thepa a nang le tsona, hammoho le bokgoning ba ho lefa melato ya hae. Nnete ena e boetse e beha maruo a monga thepa kotsing. Ho nyopa ha kgwebo ho tla kgannela moo monga thepa a tlang ho jewa thepa ya hae.
Tshimoloho kapa ho simolla ke ntho eo re ka reng e bonolo hobane monga thepa o lebelletswe feela hore a ngodise lebitso la kgwebo ya hae, mme a fumane laesense ya kgwebo. Ha ho ditlhoko tse ding tse lebelletsweng mabapi le kgwebo ya kemonosi, ntle le taolo e ikgethileng eo dikgwebo ka ho fapana ha tsona di lokelang ho ba tlasa yona. Taolo mabapi le bophelo bo botle (health) jwalo ka ha e ama direstauranta ke mohlala o mong wa mehlala ena.
Dikgwebo tsa kemonosi hangata di ba tlasa tsamaiso ya beng ba tsona. Le ha ho le jwalo, monga yona a ka nna a rata ho ikgethela manejara ya mo etsetsang mosebetsi. Ho tshwanetse ho hopolwa hore menyetla ya ho phahamiswa e batla e le menyane haholo kgwebong tsa mofuta ona.
Ka ha dikgwebo tsa kemonosi hangata di tsamaisong ya motho a le mong, di kgona ho ikamahanya kapele le maemo a ntseng a fetoha. Ntlha e behang boemo ba kgwebo ya kemonosi ka mosing ke hore tsebo ya motho ya tsamaisang kgwebo e ka nna ya eba e fokolang mabapi le ka moo ho nama ha dithuto tse hlokahalang tsa tsamaiso di lebelletseng ka teng. Ke taba e boima hore motho a le mong a ka tsamaisa ka mokgwa o hlwahlwa mahlakore kaofela a ditjhelete, mmaraka, mesebetsi e fapaneng, theko ya thepa, taolo ya mesebetsi le basebetsi.
Ka ha phapano e sa totobatswa pakeng tsa thepa ya boleng le mejaro ya thepa, e leng tsa monga thepa le kgwebo ya hae, phaello efe kapa efe ya kgwebo e boetse e fetoha karolo ya tjhelete e kenang mokotleng wa monga thepa. Ha ho makgetlo a tobaneng ka ho otloloha le kgwebo ya hae, empa monga thepa o lefiswa lekgetho phaellong ya kgwebo ya hae. Le ha ho le jwalo, monga thepa o na le tokelo theolelong/phokoletsong e tlwaelehileng ya lekgetho.
Boemo ba kemonosi ha se ba kopanelo. Monga thepa, ka baka leo, o jara boikarabelo bo boholo ba ho jara mesebetsi ya kgwebo ya hae. Tjhelete ena e tswa mehloding eo a ka bang le yona. Sena se bolela hore menyetla ya tshehetso ka ditjhelete le ho nama ha kgwebo ya kemonosi e kginehile, mme e kgina monyetla wa monga thepa wa ho ka adingwa tjhelete. Ho tsetela ha phaello e fumanwang kgwebong ke mohlodi wa bohlokwa wa tjhelete mohwebing wa kemonosi.
Kgwebo ya kemonosi ke karolo ya leruo la monga thepa. Lefu kapa ho sitwa ho lefa melato, ka hoo, ke pheletso ya kgwebo. Ha kgwebo e rekiswa, e kgaotsa ho bitswa ka lebitso la hae (morekisi), empa e tswela pele ka lebitso la moreki. Ha monga thepa a rata ho rekisa kgwebo, ditsebiso tse itseng di teng tse tshwanetseng ho ntshwa ka sepheo sa ho tshireletsa ba kolotwang ke kgwebo.
Ha monga thepa a rata ho emisa ka kgwebo, ha ho mehato e itseng e tshwanetseng ho latelwa. Ka ha mejaro/melato kapa kgwebo e le boikarabelo ba hae, ho emiswa ha mesebetsi ruri ho bolela ho kwalwa ha kgwebo.
Boarolelani ke mokgwa o sebediswang haholo ke batho ba profeshene jwalo ka dingaka kapa babuelli. Boarolelani ke mokgwa o kgothaletswang maemong a hlokang ditjhelete tse seng ngata haholo empa tse lekaneng feela, kapa moo bokgoni ba tsamaiso bo leng matsohong a batho ba babedi kapa ho feta. Boarolelani ke tumellano e entsweng ka mokgwa wa konteraka pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. Palo ya batho ba keneng selekaneng sena ha e a lokela ho feta 20.
Ditho tse kgutsitseng tsa lekunutu karolelanong.
Batho ba keneng tshebedisanong (corporate) ba na le tokelo ya ho ba le boarolelani (partnership) ka mokgwa o tshwanang le wa batho ba tlhaho. Mohlala wa sena o fumanwa ha palo e itseng ya dikhamphane e hloma consortium. Ba boemo bo phahameng ba kgona ho kgethollwa ho ba tlase ho ya ka palo ya dilemo ba le selekaneng sa tjhelete e itseng e tsetetsweng selekaneng sena. Ba hlileng ba sebetsang ka matla ke ba keneng tsamaisong ya selekane, mme bas a hlahelleng ka mahetla bona ha ba jwalo. Ba kgutsitseng ba tsejwa ke bohle ba sebetsanang le selekane sena, empa bona ka bobona ha ba eme lebitsong la selekane. Boitsebiso ba setho se kgutsitseng, le ha ho le jwalo, se patehile.
Sepheo sa boarolelani ke ho fumana phaello ka mesebetsi ya ikonomi e molaong. Ka ntle ho sepheo sena, sehlopha sa batho kapa batho ba semolao ha ba bope se bitswang selekane sa boarolelani. E mong le e mong eo e leng karolo ya selekane sena o tlamehile ho kenya letsoho mokotleng wa tjhelete ya sona. Phehiso ya mofuta ona e ka nna ya nka sebopeho sa tjhelete, ditshebeletso, mekgwa e meng, kapa boraro ba tsona.
Ha feela boarolelani kgwebong bo ntse bo le teng, bohle kaofela ba jara boikarabelo mojarong wa kgwebo, empa ha selekane sena se se se kgaotswe, e mong le e mong ka boyena o tla itjarela mejaro e ka bang teng.
Boarolelani bo simolla ka mokgwa wa tumellano pakeng tsa batho ba ikemiseditseng ho kena selekaneng sena. Tumellano ena ke konteraka pakeng tsa batho bana, mme sena se tshwanetse ho kgotsofatsa bonyane ba ditlhoko tsa konteraka.
Boitlamo ba boinehelo pokellong ya phaello ya selekane.
Boikarabelo ba tsamaiso le mesebetsi di laolwa ke tumellano ya selekane sa boarolelani. Ka baka lena, tumellano e ka nna ya qeta ka ho re boikarabelo ba tsamaiso bo nehelwe motho ya itseng, ba bang ba bona, kapa bohle ba keneng tumellanong.
Mokgwa wa karolelano (ratio) ya phaello o tshwanetse ho kenyelletswa tumellanong ya karolelano. Ha eba mokgwa ona o sa hlahelle, molao wa tlwaelo o qeta ka ho re phaello yohle e tshwanetse ho arolelanwa ka mokgwa o tshwanang le oo e mong le e mong a kentseng letsoho ka teng mokotleng. Ha eba ho sa tsejwe hore se kentsweng mokotleng ke bokae, bohle ba lokela ho arola phaello ka ho lekana.
Karolelano ha e tlasa tefiso ya lekgetho, empa e mong le e mong boyeneng ba hae o sitwa ho qoba taba ya lekgetho. Ditefello tsohle tse lebiswang ho batho ba keneng selekaneng sena di tadingwa e le karolo ya tjhelete eo e mong le e mong a e amohelang, mme bohle ba tlameha ho lefa lekgetho ke hona. Nyehlisetso tsa lekgetho tse amang motho ka mong, ka hoo, di dumelletswe.
Ditjhelete hammoho le mekgwa e meng ya batho ba babedi kapa ba fetang moo e a kopanngwa karolelanong. Sena se tswala menyetla e metle e kgahlehang ya ditjhelete ho feta moo kgwebo e leng ya motho a inotshi. Boemo bo kopanetsweng ba batho bana bo ba beha maemong a matle a thuso ya ditjhelete ke mekgatlo e adimanang ka ditjhelete nakong eo batho bana ba etsang kopo ya thuso ya ditjhelete kapa kadimo. Ho dumella ho nka thepa ka molato ke se ka fihlellwang ke batho ba keneng karolelanong, empa phumano ya tjhelete nakong e telele e sa ntse e le taba e thata, ka ha karolelano e se ya batho ba kopanetseng tjhelete, mme ka hoo, kopanelo ya bona e sitwa ho ba ya ho ya ho ile.
Ho ya ho ile ha kgwebo ya karolelano, jwalo ka kgwebo ya motho a le mong, ho behwa ka mosing ke ho senyeha ha bophelo bo botle (health) le ho hloleha ho tswa dikolotong ha beng ba selekane. Phetoho efe kapa efe e ka bang teng molaotheong e ka nna ya bolela ho swahlamana ha selekane sena. Karolelano e ntjha eba moo e tshwanelang ho simolla. Lefu la e mong wa ditho tsa yona le fedisa tumellano pakeng tsa ditho kaofela.
Molao wa Tshebedisano e Kwetsweng wa 1984 o hlahisitse mofuta wa kgwebo e nang le tshehetso ya semolao empa e se tlasa melawana le ditaelo tse ngata haholo tse laolang dikhamphane.
Tshebedisano e kwetsweng, ka baka leo, ke yunite ya ikonomi e nang le tshehetso ya semolao, e kenyelleditsweng ho ya ka Molao wa Tshebedisano e Kwetsweng (1984). E na le ditho tse ka tlase ho tse leshome, mme e mong le e mong wa tsona o kentse letsoho tjheleteng ya motheho. Ka ho totobala ha e a shebana haholoholo le ho etsa phaello.
Tshebedisano e kwetsweng e na le ditho, eseng baarolelani (shareholders). Ditho di tshwanetse ho ba batho ka tlhaho, empa tlasa maemo a itseng selekane sa boitlamo, ka tumello ya motshepuwa (trustee), le yena e ka nna ya eba setho. Kamano pakeng tsa setho le tshebedisano e kwetsweng e tshwana le kamano pakeng tsa motshwaramarapo le khamphane ya hae.
Diphehiso tsa ditho di ka nna tsa nka sebopeho sa tjhelete, thepa kapa ditshebeletso. Diphehiso di ka nna tsa eketswa kapa tsa fokotswa nakong yohle ya ho ba teng ha tshebedisano e kwetsweng. Diphehiso tse fokoditsweng di ka etswa ke tshebedisano e kwetsweng ka ho reka tswala (tswala e leng diyunite/dikarolwana tsa ho ba monga thepa tshebedisanong e kwetsweng, jwalo ka dishere khamphaneng). Kgahlanong le molawana o sebetsang khamphaneng, tshebedisano e kwetsweng ha e qobellwe ho boloka tjhelete e bokelletsweng e ntse e le jwalo. Tswala ya ditho ha e a tlameha hakaalo ho tsamaellana le ka moo ditho di phehisitseng ka teng. Tswala e arolelanwa ho ya ka tumellano ya tsebedisano mahareng a ditho, mme hangata ke motheho wa karolelano ya phaello.
Ka baka la boemo ba yona ba semolao, thepa yohle, dikoloto, ditokelo le mejaro, ke tse shebaneng ka ho otloloha le akhaonto ya tshebedisano e kwetsweng. Ditokelo tsena hammoho le mejaro (boikarabelo), le ha ho le jwalo, di kenngwa molaotheong ke ditho tsa tshebedisano e kwetsweng. Setho se ka nna sa jariswa boikarabelo kopanelong ena ha eba le nakong eo ho bonahalang hore setho se tlaila ka ho se tshepahale, ha se boloke sephiri sa tshebedisano e kwetsweng, kapa ha ditaba tsa kgwebo ya yona di sebetswa ha bohlaswa.
Ho simolla tshebedisano e kwetsweng, setatemente kapa lengolo la ho simolla le tshwanetse ho tsamaya mmoho le tjhelete e lefshwang ha ho simollwa, mme tsena di tlamehile ho fetisetswa ho Mongodisi wa Tshebedisano e Kwetsweng (Registrar of Close Corporations). Sena se sebetsa e le tokomane ya setjhaba, mme e na le lebitso, aterese le kgwebo ya tshebedisano e kwetsweng, hammoho le mabitso a ditho le dintlha tsohle mabapi le dinyehelo le phaello tsa bona. Ha mongodisi a kgotsofetse ka dintlha, o tla ngodisa tshebedisano e kwetsweng, mme a be a ntshe sertifikeiti. Tumellano e saenwa ke ditho tsa tshebedisano e kwetsweng e le ho laola dikamano tsa ka hare. Tumellano ya tshebedisano ke tokomane ya poraevete ya tshebedisano e kwetsweng, hape e laola dintlha tse amanang le tsamaiso le mehato ya molao wa kgwebo, hammoho le boikarabelo le tse tlamang ditho.
Tsamaiso e fihla pheletsong ya nako ya yona ho ya ka tumellano ya tshebedisano. Tumellano e ka nna ya okamela dintlha tse hlophollotsweng tsa Molao wa Tshebedisano e Kwetsweng (1984) mabapi le tsamaiso ya tshebedisano e kwetsweng. Le ha ho le jwalo, dintlha tse ding tse hlophollotsweng di sitwa ho okamelwa ke tumellano. Mona ho kenyelletswa tokelo ya setho sefe kapa sefe ya ho bitsa kopano ya setho, kapa ho hanelwa ha ditho tse itseng mabapi le ho ba karolo ya tsamaiso ya kgwebo.
Lekgotla la molao le ka nna, ho ya ka kopo ya tshebedisano e kwetsweng, kapa ya setho, la nka boikarabelo tsamaisong ya kgwebo. Sena se latela boemo ba ditho tsa truste mabapi le kgwebo, mme se tshireletsa tshebedisano e kwetsweng kgahlanong le ditho tsa yona, le ditho kgahlanong le tse ding. Boemo ba tshepahalo bo bolela hore ha ho setho se tla dumella ditabatabelo tsa sona hore di lwantshane le tsa tshebedisano e kwetsweng. Ditabatabelo tsa tshebedisano e kwetsweng, ka baka lena, ke tsona tse tlang pele. Sena se boetse se hlaka mantsweng ana "tshebedisano e kwetsweng", moo "e kwetsweng" e bolelang hore ditho ke batho ba atamelaneng haholo kgwebong. Ka baka lena, botho le tsamaiso ke dintho tse sa arohanang jwalo ka ha ho etsahala khamphaneng.
Tshebedisano e kwetsweng e lefa basebetsi ba yona mabapi le mesebetsi e etswang. Tjhelete e salang ha ho ntshitswe ya ditshenyehelo (net income) ka mora lekgetho e ka nna ya boela ya arolwa pakeng tsa ditho ho ya ka hore setho ka seng se fumana bokae. Mabapi le meputso, ditho di lefa lekgetho ho ya ka moo lekgetho le amang setho ka seng ka teng, ho sa kenyelletswe tjhelete e lefshwang, e etswa kgwebong. Taba ya ho lefa lekgetho habedi ke e lekang ho qojwa ka ha tshebedisano e kwetsweng e lefa lekgetho ho latela lekgetho le lekanang la khamphane. Tjhelete e ka thoko e ka bokellwang, e fumanwang ke tshebedisano e kwetsweng, le ha ho le jwalo, e tadingwa e le karolo ya tjhelete e kenang ha ho sebetswa, mme ka baka lena, ho lefuwa lekgetho le arotsweng hantle ho ya ka ho fapafapana ha matla a ditho, mme tjhelete ena e lefshwa e le lekgetho la khamphane ena. Phaello tse sa rerelwang mesebetsi e itseng, tse bolokilweng letloleng le ka thoko, ha di lefiswe lekgetho.
Boleng ba tjhelete ya tshebedisano e kwetsweng bo fella dinyehelong tsa batho ba leshome feela. Ka baka lena, papisong le khamphane, ho batla ho le thata hore tshebedisano e kwetsweng e ka ba le tjhelete e ngata. Ditho tsa tshebedisano e kwetsweng di boetse di na le boikarabelo bo seng batsi mabapi le dikoloto tsa kgwebo. Sena, hammoho le nnete ya hore distatemente tsa ditjhelete tsa tshebedisano e kwetsweng ke ditokomane tsa poraevete, di sitisa tabeng ya ho fumana thepa ka sekoloto. Ditho di ka nna tsa etsa tiiso mabapi le dikoloto tsa tshebedisano e kwetsweng, empa le teng ha ho fumaneha hore ditho di hloka matla dikolotong tse phahameng, sena se etsa hore kopo e qhelelwe ka thoko.
Tshebedisano e kwetsweng e na le boemo ba semolao. Ho ba teng ha yona ha ho angwe ke lefu kapa ho ya pensheneng ha setho sefe kapa sefe. Tshebedisanong e kwetsweng, tswala e ka nna ya ntshwa, mme tshebedisano e ka nna ya boela ya reka tswala hape. Ho sitwa ho lefa dikoloto le ho wa ha setho ha ho behe tshebedisano e kwetsweng kotsing ka ha tswala e rekiswa kapa e rekwa hape ke kgwebo.
Tshebedisano e kwetsweng e fediswa ka mokgwa wa ho jewa thepa, e leng ho simollotsweng ke ditho kapa ba kolotwang. Boikgethelo ba ho rekiswa ha thepa ka sepheo sa ho lefella melato ho ka etsahala feela ka tumello ya ditho. Taba ya ho rekisa thepa ho etsahala ha ditokomane tse itseng di fihlile lekgotleng la mmuso.
Mokgwa o amanang le truste ke wa mothehi (founder) mme a beha maruo/thepa tlasa taolo ya motho ya bitswang trustee, e leng ya tsamaisang kapa ya hlokometseng tjhelete bakeng sa/lebitsong la mojalefa. Molaong wa Afrika Borwa, ho teng mefuta e mmalwa ya bahlokomedi. Lengolo le tiisitsweng la Testamente le bile teng mabapi le ba leloko la monga testamente. Ka baka lena, ba leloko e tla ba bona majalefa. Truste e entsweng ka mokgwa ona wa konteraka e sebediswa e le mokgwa wa kgwebo. Le ha ho le jwalo, ho tshwanetse ho hlokomelwa phapang pakeng tsa truste ya kgwebo le mabitso a dikhamphane tse itseng, e leng se ka nnang sa lahlehisa, mohlala, metsetelo kapa diyunite tsa trust.
Ditruste tsena tsa konteraka di sebediswa ho qoba dikgaello tsa molao le tse ding tse beilweng ka mekgwa e meng ya kgwebo. Dikgaello tsena di kenyelletsa mehato ya taolo ya semolao e sebediswang dikhamphaneng, kapa dintlheng tse amanang le lekgetho. Ditruste ha di sehele palo ya bathehi kapa majalefa meedi kapa ho pata hore majalefa ke bomang.
Truste e na le maruo a ikgethileng. E boetse e ikemetse ka thoko ho bahlokomedi ba yona, majalefa kapa bathehi, tsamaiso ya kgwebo lebitsong la yona, mme e tsamaiswa e ikemetse ka thoko. Thepa ya truste e ka behelwa ka thoko ke ba kolotwang. Majalefa, bahlokomedi ba thepa la bathehi, ka hoo, ba na le boikarabelo bo seng bokae.
Truste e entsweng ka mokgwa wa konteraka e simollwa ka konteraka kapa lengolo la molao la truste le arohanyang thepa e ikgethileng lebitsong la truste. Thepa tsena di behwa tlasa taolo ya molebedi ya di tsamaisang lebitsong la majalefa. Lengolo la truste le na le lebitso hammoho le sepheo sa truste, boikarabelo ba bahlokomedi, dintlha tse mabapi le majalefa hammoho le ditlhaloso tse itseng tse amanang le tsamaiso ya truste. Kopi ya lengolo la truste e fetisetswa ho Mohlomphehi wa Lekgotla le Phahameng. Mohlomphehi o fetoha leihlo le shebanang le tsamaiso ya truste ke mohlomphehi.
Lengolo la truste le tlamehile ho kgema mmoho le dintlha tse hlalositsweng tsa Molao wa Taolo ya Thepa ya Truste (Trust Property Control Act) wa 1988. Ditlhoko dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le mesebetsi ya truste le tsona di tshwanetse ho phethahatswa. Mohlala, ha thepa e sa tsamayeng (jwalo ka ntlo) e fetisetswa trusteng, ditlhoko tsohle tsa molao tse amanang le ketsahalo ena di tshwanetse ho phethahatswa.
Diphetoho lethathameng la ditlhaloso tsa lengolo la truste di ka sebetsa feela ka tumello ya bahlokomedi, bathehi le majalefa. Lekgotla la molao le ka nna la kgina diphetoho tsena ha eba e mong wa batho bana a hana ka tumello.
Bahlokomedi ba hlokomela truste ho latela ditlhaloso tsa lengolo la truste hammoho le Molao wa Taolo ya Thepa ya Truste (Trust Property Control Act) wa 1988. Ke Mohlomphehi wa Lekgotla le Phahameng, le ha ho le jwalo, ya ntshang sertifikeiti se dumellang bahlokomedi ho hlokomela truste.
Ho feta mona, ditlhaloso tsa molao o tlwaelehileng mabapi le tsamaiso ya thepa ya truste ho tshwanetse ho ipapiswa le tsona. Ditlhaloso tsena di kenyelletsa tsamaiso e hlwahlwa ya thepa ya truste, tlhokomelo ya boemo ba truste mabapi le majalefa hammoho le ho arohanngwa ha thepa ya truste thepeng ya motho. Tlolo efe kapa efe kapa bohlaswa ditabeng tsa truste, e ka etswang ke bahlokomedi e ka nna ya qetella ka ho tebelwa ha bona, le qoso ya semolao kapa ya setjhaba kgahlanong le bona.
Truste e tsamaiswa ho kgotsofatsa ditabatabelo tsa majalefa. Phaello e tswang mesebetsing ya truste e tshwanetse ho arolelwa majalefa ho ipapisitswe le lengolo la truste. Le ha ho le jwalo, bahlokomedi ba tshwanetse ho lefuwa ho ya ka boikarabelo ba bona trusteng.
Mabapi le lekgetho, lekgetho le tadingwa jwalo ka motho ya sa nyalwang. Lekgetho la tjhelete e kenang ya motho, ka hoo, le nkuwa trusteng. Le ha ho le jwalo, truste e nkuwa jwalo ka motho ya sa nyalwang, ya nang le tokelo nyehlisetsong ya lekgetho. Ho hopolwe, le ha ho le jwalo, hore ke feela tjhelete e keneng e sa tobang majalefa, e lefiswang lekgetho. Tjhelete e kenang ya truste e tadingwa e le tswala ya tjhelete e kenang ya majalefa, mme e lefiswa lekgetho ke hona. Ka mokgwa ona, ho qojwa taba ya ho lefa lekgetho habedi. Ha eba tjhelete e kenang ya truste e arolwa pakeng tsa majalefa, mme eba majalefa ana ha a na mehlodi e meng ya tjhelete, sena se ka nna sa qetella ka tefello e tlase ya lekgetho phaellong ya truste.
Ho kena ho nepahetseng ha tjhelete ho simolla thepeng e hlwailweng lengolong la truste ke mothehi. Kgohelo ya tjhelete ya tlatsetso e ka ba qaka e shebaneng le truste, ka ha ha se bahlokomedi kapa majalefa ba ikarabellang dikolotong tsa truste. Bahlokomedi kapa majalefa ba ka nna ba etsa tiisetso mabapo le dikoloto tsa truste, empa hona ha ho qhelele ka thoko boikarabelo bo kginehileng ba batho ba jwalo. Potso e ka nna ya qhoma mabapi le truste e sebedisang tjhelete e ngata e kotsi. Sena se ka arajwa ka ho sheba ditlhaloso tsa lengolo la truste kapa sepheo sa truste ka bosona.
Tswelopele ya truste e laolwa ke ditlhaloso tse hlahellang lengolong la truste.
Kgetho ya mofuta wa kgwebo e supa e nngwe ya dintlha tse hlokolosi ka ho fetisisa tsa motheho kgwebong e ntjha. Karolwaneng ena, mefuta e meng e ka sebediswang ya kgwebo e fumanwang Afrika Borwa e se e ile ya tshohlwa. Mofuta ka mong o ka latelwang o na le tharahano e batsi haholo tsamaisong le taolong ya kgwebo. Sa bohlokwa ka ho fetisisa ke ho nahanisisa ka hloko ho etsa bonnete hore mofuta wa kgwebo e kgethwang o kgema mmoho le maemo a sehwai ka seng le kgwebo e ntjha.
<fn>PulaImvula. Calculate.2008-07.st.txt</fn>
Ho tshwanetse ho hopolwa hore sepheo sa temo ka kakaretso ke ho etsa phaello. Ditjhelete tse ngata di a hlokahala ho jala soneblomo, mme ditjeho tse kenellang tlhahisong ya soneblomo ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tsamaisong ya temo ya dijothollo.
Pele o jala dijothollo, ke taba ya bohlokwa ho tseba ditshenyehelo le hore tjhelete e bonahalang eka e tla kena ke e kae. Lemong sena ho bile le ho phahama ho matla ha disebediswa tsa temo mabapi le tlhahiso ya dijothollo, mme ho bohlokwa hore balemi ba je masapo a hloho hantle.
Phapang e tshwanetse ho etswa ho ya ka mekgahlelo e mmedi e fapaneng - ditjeho tse otlolohileng; kapa tse fetohang le tsa sehlooho kapa tse tsitsitseng.
Tsena di amana le tsamaiso ya mosebetsi wa bolemi ka kakaretso - ke ditjeho tse ke keng tsa amahanngwa ka ho otloloha le ho lengwa ha sejothollo se itseng. Ditjeho tsena hangata di tswela pele ho sa kgathalatsehe nako ya selemo kapa ya sehla. Ditjeho tsena di kenyeletsa ho hlahlojwa ha dibuka, makgetho a banka, meputso ya kgwedi le kgwedi le ya nakwana, ho hulwa ha tjhelete bankeng, ditjeho tsa makoloi le tse sebediswang ho ngola (seteishenari). Ditjeho tsena di fapana haholo pakeng tsa molemi le molemi ho ya ka boholo ba polasi, botebo ba mobu le mokgwa le ditjeho tsa tsamaiso.
Ditjeho tsena ke tse amanang le ho lengwa ha dijothollo tse itseng ka ho otloloha. Ditjeho di kenyeletsa tse kang diesel, manyolo, peo, dikhemikhale, kotulo, mmaraka le mesebetsi e tshohang e entswe. Hangata, ditjeho tsena di bapiswa ho ya ka hekthara ho sa tsotellwe hore efe, le teng ho ya ka mofuta wa temo le bokgoni ba kuno ba sejothollo se rerilweng.
Ho hlokolosi hore ho etswe morero o nepahetseng wa ditjhelete pele ho ka jalwa sejothollo sefe kapa sefe. Ho molemo haholo ho lokisa le ho jala sebaka se senyane ka nepo e le hore o be le monyetla wa ho kotula. Dikotsi temong ya poone di phahame hoo ho se nang kelello ho itshohlometsaka feela le ho ipeha maemong a kotsi - maemo a lehodimo ha a fane ka bonnete ba taba hoo taba ya ho nka tsela e kgutshwanyane ya ho paroletsa e sa kgothaletsweng. Hangata ho teng ditjeho tse sa nahanweng ha ho rerwa taba ya ho jala sejothollo - tlase mona ke mohlala wa mekgwa ya ho phethola mobu e ka nnang ya hlokahala nakong ya tlhahiso ya dijothollo.
Teranseporoto (tsamaiso) ya dijothollo.
Theibole ya 1: Mohlala wa ditjeho tse otlolohileng mabapi le ho lengwa ha soneblomo. (Sebedisa ditheko tsa moraorao tjena ho tseba maemo a jwale).
Theibole ya 2: Kuno e kgonahalang le tjhelete e kenang/ha dithekong tse fapaneng/tone.
Mohatong ona, tlhahiso ya soneblomo e ntle haholo - shebisisa, o bone ha eba mohlomong o tshwanetse ho jala soneblomo ho ena le mefuta e meng ya dijothollo e hlahiswang lebatoweng la heno.
<fn>PulaImvula. CalibrationMaize.2008-10.st.txt</fn>
Plantere e ka etswa metwa ya ho lekanya jwang?
Hlwaya dikarolo kaofela tsa plantere tse ka sothwang/tiiswa/lokollwa, tse lokelang ho ba le metwa ya ho lekanya (disprokete, e leng mabidi a nang le meno, di-gear le dipoleiti).
Fumana seo plantere e se etsang hajwale mabapi le peo le manyolo ho ya ka moo e setilweng ka teng hajwale.
Metha bolelele pakeng tsa dikarolwana tsa plantere e le hore o tsebe bophara ba mola - sena se tla o fa bokgoni ba ho ka tseba palo ya mela hekthareng ka nngwe. (Mohlala, ha eba sebaka se mahareng a mela e le 0,9 m, ho le teng 100 m bophareng ba hekthara e le nngwe. 100 m/0,9 m = 111 mela hekthareng ka nngwe).
Tshwaya sebaka sa 10 m.
Etsa bonnete hore ho teng peo le manyolo ka hara dihopper (etsa bonnete hore boholo ba peo ya ho metha e tlilo sebediswa ke bo loketseng dipoleiti tse kgethilweng - ke peo e le nngwe feela e tshwanetseng ho feta lesobeng la poleiti ka nako e le nngwe).
Tlamella mokotlana wa polasetike molomong wa peipi e tsamaisang manyolo e le hore o tshware manyolo a tla methwa hamorao.
Etsa hore terekere le plantere e tsamaye sebaka sa 10 m jwalo ka hoja ho lengwa (ka mantswe a mang, lebidi le tsamaisang la plantere le kenngwe tshebetsong le hoja dikarolwana tse amanang le mobu tsona di tla ba ka hodima mobu).
Bala palo ya dipeo tse tswileng karolong ya 10 m.
Atisa sena ka 10 ho fumana seo o ka beng o se fihlelletse ho 100 m (o ntse o hopola hore hekthara ke 100 m x 100 m).
Jwale atisa palo eo ka palo ya mela ho 100 m (mohlaleng wa rona, mela e bile 0,9 m bophara, e leng se bolelang hore mela e bile 111 ho 100 m).
Mohlala, ho teng 100 g (0,1 kg) sebakeng se etsang 10 m. Sena se lekana le 1 000 g (1 kg) ho 100 m. Mela e 111 hekthareng x 1 000 = 1 110 g hekthara ka nngwe / 111 kg hekthara ka nngwe).
Ha eba karabo eo o e fumanang e le kgolo ho eo o e batlang, sotha di-sprokete (mabidi a meno) plantereng e le hore shafte e bidikolosang poleiti e potoloha butlenyana (kapa ho fetola maemo, ha eba o batla kilograma tse ngatanyana).
Pheta tshebetso ena makgetlo a mangatanyana ho fihlela o fihlella sephetho seo o se batlang.
Beha sekaleng ho fumana boima ba manyolo a bokelletsweng mokotleng sebaka sa 10 m.
Jwale atisa palo eo ka palo ya mela ho 100 m (mohlaleng wa rona, mela e bile 0,9 m bophara, e leng se bolelang hore mela e bile 111 ho 100 m).
Mohlala, ho teng 100 g (0,1 kg) sebakeng se etsang 10 m. Sena se lekana le 1 000 grams (1 kg) ho 100 m. Mela e 111 hekthareng, x 1 000 = 1110 grams hekthare ka nngwe / 111 kg hekthare ka nngwe.
Ha eba karabo eo o e fumanang e le kgolo ho eo o e batlang, lokisa disprokete plantareng e le hore shafte e bidikolosang poleiti e bidikolohe butlenyana. (Kapa ho fapana le hoo, ha eba o batla kilograma tse ngatanyana).
Pheta tshebetso ena makgetlo a mangatanyana ho fihlela o fihlella sephetho seo o se batlang.
<fn>PulaImvula. CalibrationMaize.2008-11.st.txt</fn>
Artikele e fetileng e akareditse dikarolo tsa sefafaletsahole le hore se sebetsa jwang. Artikeleng ena, re tla ke re shebane le matshwao ao sefafatsi se methang ka ona.
Matshwao a methang ke eng?
Mosebetsi wa ho etsa matshwao sefafatsing hore se methe o etswa ka sepheo sa hore ha o fafatsa o kgone ho fafatsa bongata bo nepahetseng ba sephalli (metsi le tjhefo) karolong e fafatswang.
Theipi e methang.
Ke eng e ka sothwang?
Molongwana (nozzle). Molongwana o lesobana le lenyane o tla ntsha sephalli se senyane papisong le molongwana o lesoba le leholwanyane. Molongwana o ka nna wa ba le paterone e sephara kapa e tshesane ya ho fafatsa.
Kgatello ya sefafatsi. Ha o ntse o pompa ka matla, kgatello e a eketseha, mme sephalli se sengata se dumellwa ho tswa. Ha kgatello e ntse e eketseha, marothodi le ona a ntse a eba manyane.
Ha o fafatsa ka terekere, kgatello ya pompo e angwa ke ho bidikoloha/motsotso (revolutions/minute) rpm.
Dikere (gears) tsa terekere di ama lebelo la terekere.
Mosebedisi wa terekere o tshwanetse ho etsa qeto mabapi le rpm hammoho le kere (gear) e tla sebediswa hore maemo ana a se fetohe hang ha metwa (matshwao a takilweng) e methang e se e entswe.
Fetola bongata ba tjhefo motswakong. Tjhefo e ngata e bolela disebediswa tse ngata tse sebetsang ka bongata bo le bong ba metsi.
Tlatsa tanka ya sefafatsi.
Etsa qeto hore ke kere efe e tla sebediswa le hore ka lebelo (rpm) lefe (mohlala, kere ya 4 ka lebelo la 200 rpm).
Metha sebaka sa dimithara tse 100.
Ka ho sebedisa kere eo, hammoho le lebelo (rpm) le nepahetseng, metha nako eo terekere e e nkang ho phetha dimithara tse 100 (mohlala, metsotswana e 21).
Mathisa enjene terekere e ntse e eme. Etsa jwalo ka lebelo leo ho dumellanweng ka lona la 2 500 rpm. Hlahloba sebaka se fihlellwang mobung ka ho fafatsa.
Etsa hore kgatello sefafatsing e fane ka sephetho se lakatswang (mohl. 3 bar).
O ntse o sebedisa nako e le nngwe (mohl. Metsotswana e 21)e nkilweng ke terekere ho phetha 100 m, sebedisa sefafatsi, mme o methe bongata ba metsi a ntshwang ke molongwana o le mong (mohl. 1 200 ml / 1,2 lithara).
Pheta tshebetso ena ka melongwana e mmedi kapa e meraro, mme o fumane palohare.
Sebedisa bongata ba sephalli se tswang molongwaneng (mohl. 1 200 / 1,2 lithara), mme o atise sena ka palo ya melongwana (mohl. Melongwana e 12) e le ho tseba hore ke dilithara tse kae tseo o di fafatsang sebakeng se etsang 100 m (ka melongwana kaofela, 12 x 1,2 lithara = 14,4 lithara).
Metha bophara ba karolo e ntshang metsi (boom) (mohl. 4,7 m).
Jwale o tseba bophara boo o bo fafatsang, ebile o tseba bongata ba metsi a fafatswang bophareng boo, boleleleng ba dimithara tse 100.
Area e akaretswang ke sefafatsi boleleleng ba mithara tse 100: 100 m x 4,7 m = 470 sekwere methara (sq. m).
Re sebedisitse 14,4 lithara tsa metsi sebakeng sena.
Area ya hekthara e le nngwe = 10 000 sekwere methara (100 m x 100 m).
Volumo e tshwanetseng ho sebediswa hekthareng e le nngwe e tla ba 10 000 / 470 = 21,27 x 14,4 l / hekthara.
Leibole setshelong sa khemikhale e tla bontsha bongata ba metsi a hlokahalang hekthareng ka nngwe hammoho le palo ya dilithara tsa tjhefo tse hlokahalang hekthareng ka nngwe.
Ha o sebeditse dipalo tsa hao hantle, mme o lemoha bongata ba sephalli se ntseng se fafatswa ho ya ka tlwaelo, pheta tshebetso ena, mme o fetole kgatello ya sefafatsi kapa kere (gear) ya terekere kapa boholo ba molongwana.
Hang ha bongata ba metsi bo nepahetse, jwale o tlamehile ho fumana palo ya lithara tsa tjhefo e tshwanetseng ho kenyeletswa tankeng e nngwe le e nngwe ya sefafatsi.
Mohlala, tanka e tshwara dilithara tse 500 tsa metsi. Re tlamehile ho sebedisa dilithara tse 4 tsa tjhefo hekthareng ka nngwe. E tla ba 500 lithara / 306 (dilithara tse sebediswang hekthareng ka nngwe) ka makgetlo a 4 (dilithara tsa tjhefo hekthara ka nngwe).
Re tshwanetse ho eketsa 6,5 dilithara tsa tjhefo dilithareng tse ding le tse ding tse 500 tsa metsi.
<fn>PulaImvula. Celebrate.2009-11.st.txt</fn>
Mentors Eduard Foord hammoho le Fanie Pienaar ba ile ba lebohuwa ka baka la diphehiso tseo ba di entseng.
S.M. Mpahleni, M. Sobuza, M.S. Nyoni (ya amohelwa ke Solomon Mabila) le Lucas Nhlane.
Ka morao: Luvo Qongqo, Jan du Preez, Div Bosman, Victor Thabethe, Charles Matlou, Lawrence Watch le Jarius Metswamere.
Ka pele: Dudu Mashile, Muzi Hlongwane le Salome Modise.
Bakwetlisi ba na le seabo se seholo mosebetsing wa ho ntshetsa pele Bahlahisi ba Thuthuhang.
Danie van den Berg (Setsebihadi: Field Services) le Israel Mokoto wa Wolmaranstad.
N.R. Mhlanga, E.R. Serahe, F.J. Mhlanga (mohlodi), M.G. Nkosi, Jerry Mthombothi (mohokahanyi wa provense) le A.P. Masina.
Nothando Mzini, S.H. Walaza, Simphiwe Elliot Shabhu (mohlodi), Ntombizanele Mtshulana, le Themba Mkiva.
I. Abdool, P. Nolundi Msengana le S. Jonas Mokoka.
S. Motswenyane, J. Mokoto, R.E. Pholo le George Letlojane ba bile siyo.
Ka morao: J. Metswamere, R.M. Ramoholi, William Matasane le Malefane Makubo.
Ka pele: Philip Xaba le Me Mponeng Lentoro.
Ba siyo: M.A. Bantseke le M.J. Komako.
Karabo Peele le Moss Malo.
Thando Lolwane o bile siyo.
Ka la 29 Loetse 2009 Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA le hlwaile letsatsi la mokete - mekete ya 250 Ton Club.
Boikemisetso ba Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi ke ho ntshetsa pele bahwebi ba batsho ba filweng bokgoni, mme mokete holong ya Fanie Ferreira e NAMPO e bile ho ela hloko le ho leboha bahlahisi ba ka kenngwang indastering e batsi ya temo e le bahwebi ba batsho - ba hlahisang ho feta ditone tse 250 tsa dijothollo.
Tsela e lebisang bohwebing ba dijothollo ha e bonolo, mme ha ho tsela tse paroletsang. Bolemi bo na le diphephetso, mme le yona phaello ha se e kae. Bahlahisi bana ba tsheheditswe ke basebetsi ba Lenaneo la Grain South Africa la Ntshetsopele ya Molemi hammoho le batshehetsi ba bang ba indasteri, ba kang dibanka, ba kgwebo tsa agribusiness, dikhamphane tse rekisang thepa ya temo, diofisiri tsa katoloso tse tswang Mafapheng a fapaneng a Temo hammoho le bahwebi ba bang.
Lemong se fetileng re ile ra hloma sehlopha sa 250 Ton Club e le ho ananela katleho ya ba seng ba hlahisa ho feta ditone tse 250 tsa dijothollo ka selemo, e leng ba seng ba le haufi le ho bitswa "bahlahisi ba bahwebi". Bongata ba bahlahisi bana e tla ba feela karolo ya lenaneno nako ya selemo kapa tse pedi, mme tswelopele ya bona e tshwanetse ho ananelwa.
Ditho tsa 250 Ton Club di ntse di eketseha butlebutle. Re na le ditho tse supileng tsa 1 000 Ton Club, tse leshome le metso e meraro tsa 500 Ton Club le tse mashome a mabedi tsa 250 Ton Club. Monongwaha, bahlahisi ba batjha ba robedi e bile ditho tsa sehlopha sena.
Moketjaneng wa selemo sena, re nkile mohato o mong - Molemi ya Tlase wa selemo. Mpumalang le Kapa e ka Botjhabela, ho teng bahlahisi ba bangata ba kgonang feela ho ba le hekthara e le nngwe ho isa ho tse pedi tsa masimo. Bahlahisi bana ba bohlokwa haholo tshireletsong ya dijo tsa mahaeng. E le karolo ya ntshetsopele ya lenaneo, re tshwarahane le ho kwetlisa le ho tshehetsa bahlahisi bana ba tlase hore ba ntlafatse mekgwa ya bona ya tlhahiso. Re entse qeto ya simolla ka tlhodisano mabapi le bahlahisi bana e le hore kgatelopele e hlwahlwa e bonwe mokgahlelong ona. Lemong sena, bahlodi tlhodisanong e bile Mong. F.J. Mhlanga wa Mpumalanga, le Mong. S.E. Shabhu wa Kapa e ka Botjhabela. Le hoja bahlahisi bana ba sa sebetsane le masimo a batsi, tshebetso ya bona ya masimo ke e hlwahlwa ka ho fetisisa, mme ba fana ka thuso e kgolo bathong ba bona ba selehae.
<fn>PulaImvula. Challenges(maize).2011-06-07.st.txt</fn>
Hore temo e be kgwebo e nang le phaello, e tshwanetse ho simolla ka ho fana ka dihlahiswa tse batlwang ke bareki. Ka mora moo, ho ba le botsitso ba phaello temong, tsamaiso ya kgwebo ya temo e tshwanetse ho dula e ntlafatswa ho ya ho ile.
Haesale ho tloha popong ya motho, motho esale a hloka ho hong hore a phele. Dijo haesale e le tlhoko ya sehlooho, hammoho le diaparo le tshireletso. Qalehong, motho o ne a ntse a ikgotsofaletsa ditlhoko tsa hae ka ho tsoma, ho kotula dijothollo tsa hae dimeleng tse hlaha, a iketsetsa diaparo tsa hae, le ho ipata mahaheng.
Ha motho a ntse a tswela pele, ditlhoko le tsona di nnile tsa tswela pele ho fihlela maemong a phahameng a kajeno. Motho o bile o tlohile boemong ba ho itlhokomela, mme o ile boemong ba ho reka ditlhoko tse nagata. Ka kakaretso, ho ya ka maemo a kajeno a sejwalejwale, dikgwebo ke tsona tse fanang ka ditlhoko tsa motho phapanyetsanong le tjhelete.
Ka hoo, kajeno re hloka tjhelete ho fapanyetsana le ditlhoko tsa rona. Jwalo ka batho, re ka fumana tjhelete ka ho sebeletsa tjhelete ya rona e kenang. Ke taba ya hore o a itshebeletsa kapa o sebeletsa motho e mong. Haeba o kgetha mokgwa wa ho itshebeletsa, jwalo ka ha o kganna kgwebo ya temo, kgwebo ya hao e tshwanetse ho ba e tiileng ditjheleteng. Temong ya mehleng ya kgale, ho kgonahala feela haeba kgwebo ya hao e fana ka dihlahiswa tseo batho ba di hlokang hore monga thepa a kgone ho ba le tjhelete e kenang.
Ke ha feela ha kgwebo e etsa phaello monga yona a ka kgonang ho ba le tjhelete e kenang (moputso). Haeba tahlehelo e le teng, ha ho moputso o kenang.
"Ditlhoko" tseo dikgwebo di nang le tsona di "rekisetswa" bareki. Tjhelete e fumanwang phapanyetsanong ke yona e kenang ya kgwebo.
Nakong ya tlhahiso ya ditlhoko, kgwebo e ba le ditshenyehelo tse itseng.
Ditjeo tse ka hodimo - ditjeo tsa banka, tsa ofisi, tsa dibuka - le tsa makoloi.
Ditjeo tse tsitsitseng - dilaesense tsa makoloi, meputso ya basebetsi ba dinako tsohle, ho theoha ha boleng ba thepa, le ditjeo tsa inshorense.
Ditjeo tsa ka ntle - tswala dikadimong, meputso ya manejara le rente ya ho hira masimo.
Ditjeo kaofela ke ditshenyehelo ha di se di kopane.
Phaello e lekana le tjhelete e kenang ha ho tloswa e tswileng.
Mosebetsing wa motheo, balemi ke baamohedi ba ditheko ho ya ka tjhelete e kenang le tjhelete tsa ditshenyeheo. Ka bobedi, e kenang le e tswang, di a eketseha ha nako e ntse e tsamaya, le hoja sena se etsahala mehatong e fapaneng. Nnete ke hore, J. Willemse o tlalehile ho Landbouweekblad ya 26 Hlakubele 2010 hore ka 2009, ha ho shejwa indasteri kaofela ya temo, tjhelete e kenang e eketsehile feela ka 2,6% selemong, ha e tswileng yona e eketsehile ka 8%. Diperesente tsena di fapana selemo le selemo, empa di baka se bitswang ho kgangwa ha ditheko. Ha ho shejwa dilemong tse ngata tse fetileng, ho kgangwa hona ha ditheko ho ka bontshwa setshwantshong sa 1. (Lenane la mehlodi: Willemse, J. 2010, Resessie sweepslag knyp Landbou. Landbouweekblad: 26 Hlakubele 2010).
Haeba dintho di dula di le ka moo di etswang ka teng temong, di sa fetohe selemo le selemo, sekgeo pakeng tsa e kenang le e tswang se tla kwaleha, mme ho dula ho ntse ho eba boima ho etsa phaello. Leihlong la tsa ditjhelete, ho a hlokahala hore tsamaiso ya kgwebo ya polasi e tshwanetse ho dula e ntlafala ka nako tsohle hore katleho e fihlellwe ditjheleteng.
Hona ho ka etswa ka ho hlokomela ka dinako tsohle ho ntlafatsa tsamaiso ya dibaka tsohle tsa tsamaiso kgwebong ya temo. Sepheo e tshwanetse ho tsitlallela hore tjhelete e kenang e fete ya ditshenyehelo nakong e telele, jwalo ka ha bo bonahala setshwantshong sa 2.
Ha se mosebetsi o bonolo hore manejara wa polasi a be le tshwaetso e ntle ha a sheba dintlha tse itseng tse leng ka nqane ho matla a hae. Ena ke phephetso e kgolo e shebaneng le manejara wa polasi. Re ka re motho o tshwanetse ka dinako tsohle ho sheba sekgahla sa ditjhelete mabapi le tjhelete e kenang le e tswang nthong e nngwe le e nngwe e etswang kapa e sa etswang kgwebong.
Qetellong, hore phaello e be teng, kgwebo ya polasi e tshwanetse ho qala ka ho fa bareki seo ba se hlokang. Ka mora moo, hore phaello e dule e tsitsitse, tsmaiso ya kgwebo ya polasi e tshwanetse ho dula e ntlafala ka dinako tsohle.
<fn>PulaImvula. Challenges.2010-01.st.txt</fn>
Bolemi ha esale e le mosebetsi o fupereng ho sebetsa ka thata. Ho ka thwe balemi ha ba tshabe ho sebetsa ka thata. Le ha ho le jwalo, matsatsing a kajeno bohwai ka dijothollo bo lebelletse ho hong ho feta taba ya ho sebetsa ka thata feela.
Re se re hlwaile dintlha tse itseng tse kginang tswelopele.
Ha o simolla ka ntho e nngwe le e nngwe e ntjha, nako e ba teng eo ka yona o sa sebetseng hantle - ho jwalo le ka balemi. Ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. Hajwale, ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang mobung, hammoho le ditheko tse tlase tse fumanwang thekisong ya dijothollo, ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. Balemi, ha eba ba hlile ba tswela pele, ba etsa phaello e nyane, mme ka hoo, ba sitwa ho reka diterekere le disebediswa tse ding tsa temo. Ba tswela pele jwalo ka tjhelete e adimilweng. Taba ena e kotsi, e bile e ja tjhelete. Ho adingwa tjhelete, balemi ba tshwanetse ho nka inshorense ya dikotsi tse ka hlahang, mme sena se fokotsa phaello ya bona.
Bolemi ke taba e batsi haholo, mme ka hoo, o tshwanetse ho utlwisisa ditaba tse ngata tse fapaneng. Tsebo feela ya bukeng ha e a lekana - balemi ba nka dilemo ho ithuta le ho ba le boiphihlelo. Maemong a mona Afrika Borwa, balemi ba thuthuhang hangata ke ba batjha papading ena, mme melao e laolang papadi ena e rarahane - tshebetso e ntle e hloka hore motho a be a eme hantle! Ka ha phaello e le tlasa kgatello, ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. O tla ba le boiphihlelo jwang, mme ke mang ya tla o thusa ha o wela fatshe?
Balemi ba thuthuhang ba dula ba kopana le bothata ba ho adingwa tjhelete. Sena se bakwa ke ntlha tse pedi tseo re buileng ka tsona; monyetla wa phaello o monyane, mme le dikotsi di ngata haholo. Re tshwanetse ho utlwisisa hore ba adimanang ka tjhelete ha ba lahlehelwe ke tjhelete - ba tlamehile ho tsetela ka bohlale tjhelete ya molemi ya thuswang. Mothating ona, re itshetlehile haholo ka tshehetso ya Land Bank mabapi le tjhelete e adingwang - ke boikemisetso ba bona ho adimana ka tjhelete ho balemi ba ntseng ba thuthuha. Le ha ho le jwalo, Land Bank e tlamehile ho fokotsa maemo a ka bang kotsi - ka baka lena ho hlokahala setswalle se setle pakeng tsa Land Bank le lenaneo la rona.
Dilemo tse ngata tsa phaello e nyane di bakile ho nyehla ha maemo a diterekere le disebediswa tse ding tsa temo - o tlamehile ho etsa tjhelete e le hore o kgone ho fumana metjhine.
Ho teng balemi ba nang le masimo moo ba ka hlahisang dijothollo tsa bona teng, empa masimo ao ha a na molemo wa letho (ka bakala ditjeo tsa tse sebediswang mobung/ditheko tsa dihlahiswa/bokgoni ba masimo). Ho teng ba bang ba nang le masimo a matle, a ke keng a tshireletswa ka terata, mme ka hoo, a sitwa ho sebetswa ka katleho. Ho teng ba bang ba tshwanelang ho fumana kalaka e ngata hore ba lokise mobu wa bona. Ba bang ba balemi ba nang le bokgoni ba sitwa ho fumana masimo ka thuso ya ba ditaba tsa mobu (taba ena e tla buuwa ka nako e nngwe). Ho teng mathata a mangata a amanang le mobu - e leng tsohle tse thatafatsanang tswelopele ya molemi.
Ka baka la diphephetso tse boletsweng mona, re atamela tswelopele ya molemi ka leihlo la diprojeke tse fapaneng hammoho le mananeo a fapaneng.
<fn>PulaImvula. ChemicalMaize.2009-02.st.txt</fn>
Dibolayalehola ke disebediswa tse molemo mananeong a mangata a taolo ya lehola. Di tshwanetse ho sebediswa e le tlatsetso mekgweng e meng kapa disebedisweng tse ding.
Disebediswa tsena tse ding di kenyeletsa mekgwa e hlwahlwa ya temo, e kang manyolo a nepahetseng le kalaka, ho fa dimela ho hola ka mafolofolo, phapantsho ya dijalo le temo e nepahetseng, e leng tse hlokahalang ho fihlella lenaneo le phethahetseng la taolo ya mahola hammoho le temo ka metjhine. Tse latelang ke ditlhaloso tsa mantswe ao o tla kopana le ona ha o sebetsana le mahola.
Sebolayalehola se sebediswa mobung ha ho se ho lenngwe ka motjhine, empa nakonyana e itseng pele sejalo se jalwa. Ka tlwaelo se tswakwa le mobunyana o seng mokae ka ho sebedisa disebediswa tse fapaneng tsa ho tswakanya.
Sebolayalehola se sebediswa mobung ha ho se ho lenngwe ka motjhine le ha ho se ho lokisitswe tshingwana ya peo, empa pele ho jalwa, mme se tswakanngwa le mobu o ka hodimo ka ho sebedisa disebediswa tse fapaneng tsa ho tswakanya.
Sebolayalehola se sebediswa ha semela se se se jetswe empa pele se hlaha mobung. Mongobo wa mobu, pulanyana e bobebe, kapa ho phetholwa ho sa tebang, di ka nna tsa hlokahala ho fihlella taolo e ntle ya lehola ka dibolayalehola tse ngata tse sebediswang pele peo e hlaha mobung.
Sebolayalehola se sebediswa mahabeng a lehola ha sejothollo (semela) se se se hlahile mobung.
Sena ke sesebediswa se sebetsang ka hodima mobu, se fokotsang tsitsipano ka hodima mobu, mme ka hoo, se dumella motswako o alehileng le o phatlalletseng ka ho lekana mahlakung a semela le mobung. Mantswe a mangata a hlalosa le ho supa tshebetso tse ikgethileng, tse ka hodima mobu, tse kang, sethusi (adjuvant), sehlatswi (detergent), senolofatsi (emulsifier), seadi (spreader), sekgomaretsi (sticker) le semetsifatsi (wetting agent).
Boholo ba dibolayalehola bo kgothaletswang le ho sebediswa temong, bo na le meedi e itseng. Ka sekgahla se kgothaletswang sa tshebediso, dibolayalehola di kgetha ho lematsa mahola empa di ke ke tsa lematsa haholo dimela tseo mahola a leng ho tsona. Ka ho sebedisa boholo ba dibolayalehola tsena tse kgethang, o tshwanetse ho latela ka hloko ditaelo tsa sekgahla sa tshebediso hobane sekgahla se phahameng se ka nna sa lematsa kapa ho bolaya dimela (dijothollo). O tshwanetse ho jara boikarabelo ha eba o sebedisa sebolayalehola ka mokgwa o fapaneng le o laetsweng leiboleng ya sona. Bala leibole setshelong, mme o latele ditaelo tse moo.
Nepahalo e hlokahalang tshebedisong ya dibolayalehola e hlokolosi ho feta mesebetsi e meng e mengata ya polasing. Dintlha di tharo tse laolang sekgahla sa tshebediso: kgatello (pressure), boholo ba molongwana (nozzle), le lebelo mobung.
Sekgahla se kgothaletswang sa tshebediso ya dibolayalehola se fapana ho ya ka boamo ba mobu (mahwashe, mahareng le bosesanyane) le boteng ba tse bolang (organic matter). Sekgahla se tlase sa dibolayalehola se sebediswa haholo mebung e mahwashe e nang le tse bolang tse seng ngata. Sekgahla se phahameng ka kakaretso se sebetsa mebung e mesesanyane (e phofo), e nang le tse ngata tse bolang. Sheba leibole mabapi le sekgahla se nepahetseng mabapi le mobu wa hao.
Palo ya mahola a lwantshanang le sebolayalehola e ka nna ya bakwa ke phetapheto ya tshebediso ya sebolayalehola moo ho sebediswang mokgwa o le mong feela wa tshebetso. Phapantsho ya dimela, phapantsho ya dibolayalehola kapa dibolayalehola tsa motswako wa tanka, ka mekgwa e fapaneng ya tshebetso, ho tla thusa ho fokotsa boteng ba mahola a lwantshanang le dibolayalehola.
Ditlhoko ke tse sa batleng pula ka mora tshebediso ya dibolayalehola tsa hoba peo e mele (hlahe). Hopola hore ha sebolayalehola se sebedisitswe ho be teng nako eo pula e sa neng ka yona. Ha eba pula e ka na nakong ena, keletso ke hore o boele hape o fafatse ho nnetefatsa hore khemikhale e hlaotse bothata ba lehola. Mehlala ke ena: 2, 4 - D amine 6 - 8 dihora; 2, 4 - D ester 1 - 2 dihore; Atrazine 4 dihora; Basagran 8 dihora.
Nako e hlokolosi ya taolo ya mahola ke mohopolo o bohlokwa mekgweng e kopanetsweng ya Taolo ya Mahola. Nako ena e hlalositswe e le nako ya kgefutso saekeleng ya bophelo ba sejothollo, e leng e tshwanetseng ho hloka mahola hore ho qojwe tahlehelo kunong.
Mohopolo ona o thusa ho laola nako e hlwahlwa ka ho fetisisa ya tshebediso ya sebolayalehola sa ha peo e se e hlahile, mme o boetse o fokotsa tlwaelo ya dibolayalehola tsa nako e telele ya sehla le tshebediso ya morao e sa hlokahaleng ya dibolayalehola. Dinako tse hlokolosi di hlaloswa ho ipapisitswe le mohato wa ho hola ha sejothollo, ho shebilwe mobu, maemo a lehodimo le phapano e bang teng nakong tsa sehla. Nako e hlokolosi e theilwe tahlehelong ya kuno e tlase ho 5% ka baka la tshitiso e bakwang ke lehola. Sejothollo se tshwanetse ho hloka lehola nakong ya mehato ena e le ho thibela tahlehelo e fetang 5% kunong. Ha eba mahola a nnile a laolwa nakong yohle e hlokolosi, mahola a tla hlaha hamorao a ke ke a ama kuno.
Nako e hlokolosi e ka fapana ho itshetlehilwe ka maemo a lehodimo le maemo a ho hola. Phuputso e entsweng ka poone le dinawa tsa soya e bontshitse hore nako e hlokolosi e ka nna ya fapana ho ya ka mofuta wa mobu le mekgwa ya ho phethola mobu le moo qetello ya nako e hlokolosi e ka nnang ya atoloswa hanyenyane hamorao mebung e letsopa kapa ha ho sebediswa mekgwa ya temo ya ho se phethole mobu.
Nako e hlokolosi e atoloswa ho tloha mohatong wa 3 - 8 wa lehaba (4 - 10 mohato wa kgolo ya lehlaku moo ntlha e supileng sedikadikweng, kapa V2 - V6 mehatong ya mahaba). Taolo e ntle ya lehola e tshwanetse ho dula e le teng nakong yohle e hlokolosi. Poone e dulang e se na lehola matsatsi a ka bang 34 hoba ho jalwe kapa ho fihlela mehatong ya 6 - 8 ya lehlaku (8 - 10) ntlha tsa lehlaku e bile le tahlehelo ya kuno ya 0 - 5% tlasa maemo a boima a kgatello ya lehola.
Mehato ya ikonomi maholeng e thusa ho tseba hore na ho teteana le ho tshwenngwa ho hongata hakae hore ho ka nkuwa mehato ya taolo, mohlala, ha eba tahlehelo ya kuno e qobilweng e feta ditshenyehelo tsa ho laola mahola. Nako eo mahola a hlahang a ipapisitse le dimela ke yona ntlha e supang tahlehelo ya kuno. Mahola a hlahang ka nako eo sejothollo se hlahang ka yona a baka tahlehelo e kgolo ho feta ya mahola a bang teng hamorao ha peo e se e metse. Mohlala, dithuto tsa mehato ya ikonomi tse entsweng ka red root pigwood, ragweed le barnyard-grass, di fumane hore nako ya ho hlaha ha mahola papisong le mohato wa sejothollo e bohlokwa haholo ho feta ho teteana ha lehola ha ho sekwasekwa mekgwa ya taolo ya mahola. Tahlehelo ya kuno e itshetlehile nakong ya ho hlaha ha peo ya mahola. Theibole 1 e etsa ditekanyetso tsa boholo ba tahlehelo ya kuno bo amanang le mahola a itseng a hlahang pooneng le dinaweng tsa soya.
Tahlehelo ya diperesente pooneng ka baka la palo e tsejwang ya mahola a lehlaku le sephara a selemo le selemo, a ileng a hlaha mmoho le sejothollo, mme a ile a tlohellwa feela a sa laolwe. Phuputso e entsweng Amerika e ka nna ya sebediswa le mona Aforika Borwa e le sesupo sa tahlehelo e ka bang teng. Hlwaya mahlaku a sephara masimong a hao lenaneng la mahola a tlwaelehileng Aforika Borwa.
<fn>PulaImvula. Chemicals(maize).2011-09-27.st.txt</fn>
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi ya beileng meja fatshe
Ka mehla ho bohlokwa ho hlwaya mathata a itseng a mahola masimong a hao. Mekgwa ya ho lema, mekgwa ya ho laola mahola, hammoho le phapantsho ya dijothollo, ke dintho tse fapanang lebatoweng le leng le le leng le polasing e nngwe le e nngwe. Mathata a mahola masimong a hao a ka nna a fapana haholo le a moahisani wa hao.
Ka mehla lekola mofuta wa mahola masimong a hao, mme o sebedise mefuta e nepahetseng ya dibolayalehola tse lokelang. Sheba theibole e tlase mona, e mabapi le e meng ya mekgwa le metswako e tiisitsweng e ka sebediswang Afrika Borwa ho laola mahola pooneng.
Dikhemikhale le metswako ya tsona ke e meng ya metswako ya sehlooho e matla e laolang majwang a selemo le selemo kapa mahola a lehlaku le sephara a selemo le selemo. Metswako e matla ke dikarolo tse ikgethileng tse bolayang mahola ka ho tshwenyana kapa ho kgina ditshebetso tsa biochemikhale tse fang mahola bokgoni ba ho tshwarwa kganya ya letsatsi le ho tswela pele ho hola, mme qetellong le ho tswela pele ho hlahisa peo ya mahola.
Dikhemikhale di tswakana ka mokgwa o jwalo haeba masimo a molemi a ena le bothata ba jwang le ba lehlaku le sephara. Maemong a mang a lehlohonolo, ka baka la phapantsho e nepahetseng ya dijothollo le mekgwa ya taolo ya mahola, ho ka nna feela ha ba le bothata ba lehola la lehlaku le sephara la selemo le selemo masimong a hao a poone. Ka hoo, e tla ba tshenyo feela ya tjhelete ho fafatsa majwang. Tekolo e nepahetseng ya bothata e tla o fa bokgoni ba ho fokotsa ditshenyehelo tsa hao taolong ya mahola.
Ka diphetho tsa teko, ho molemo ho fokotsa letsopa mobung o ka hodimo masimong a mang le a mang. Sekgahla sa tshebediso ya dikhemikhale taolong ya mahola se eketseha haholo moo letsopa le leng lengata teng. Hona ho etsahala hobane letsopa le monya e meng ya metswako ya bohlokwa e kenngwang mobung, mme le sitisa semela ho fumana dikhemikhale mobung.
Ke bothoto ho se sebedise tekano e nepahetseng, e kgothaletswang, ya khemikhale hekthareng ka nngwe e le ho qoba ditshenyehelo tse ka bang teng hekthareng ka nngwe. Taolo e fokolang ya ho bolaya lehola e tla baka tahlehelo e phahameng kunong ya dijothollo sehleng sena. Tshebediso e nyane ya dikhemikhale ho feta ka moo ho kgothaletswang ka teng e qetella e bakile hore a mang a mahola a se ke a shwa. Mengwaheng e mengata ya dimela, "manganga a ho shwa" a dimela tsa mahola a kgona ho etsa hore mahola a nne a phele le ha ho ka sebediswa dibolayalehola tse matla makgetlo a lekgolo ho ntse ho lekwa ho a fedisa.
Ka baka lena, ho molemong wa bohle ba keneng temong ho sebedisa dikhemikhale ho ya ka moo di kgothaletswang ka teng. Ke ditshenyehelo tse kgolo tseo ho kenwang ho tsona diphuputsong le ntshetsopeleng ya dikhemikhale tse ntjha moo ho phehelletsweng feela taolo e matla ya mahola ka ha manganga ana a ntse a tswela pele.
Ho bontsha khemikhale ya tlatsetso e tshwanetseng ho sebediswa ho ntse ho elwa hloko letsopa mobung, sheba tshebediso e kgothaletswang ya acetochlor e laolang haholoholo majwang a selemo le selemo mabapi le letsopa. Acetochlor hangata e sebediswa mmoho le safener. Ona ke motswako o tswakanngwang le acetochlor, mme o thibela khemikhale ena hore e se bolaye semela sa poone, seo re tshwanetseng ho hopola hore le sona e ntse e le jwang.
"Pele e hlaha" ho bolela ho fafatswa ha dikhemikhale mobung kapa ho phetholwa ho honyane ha mobu o ka hodimo ha ho se ho jetswe, empa pele dimela di hlaha mobung.
Bongata bo phahameng ba mothamo hekthara ka nngwe bo sebediswa feela moo ho nang le tlhaselo e itseng, e matla ya mefuta e itseng ya majwang a selemo le selemo masimong.
Ditjeo hekthareng ka nngwe mabapi le dikhemikhale di tla fapana pakeng tsa R97,50 hekthara ka nngwe mobung o lehlabathe (0% - 10% letsopa) ho isa ho R150 mobung o letsopa le lengatanyana (41% - 55% letsopa).
Semela sa poone sa bokoni ba 4, 5 ditone/ha ka nngwe se ka ba le boleng ba R7 200 hekthara ka nngwe. Ka hoo, ha se bohlale, mme ha ho kgothaletswe ho boloka R60 hekthara o ntse o hopola mathata a ka bang teng a nako e tlang. Hape, lekola bothata mmoho le setsebi sa dikhemikhale, mme le etse dintho ka nepo.
Ho boetse ho bohlokwa ho tseba hore ke dikhemikhale dife tse ilo sebediswa e le hore o tsebe ho hlophisa hore sefafatsi se tle se be teng nakong ya sehla. Twantsho ya mahola e ka etswa pele dimela di hlaha mobung ha ho se ho jetswe, hang feela ha di sa tswa hlaha mobung kapa hang feela ha di sa tswa jalwa mobung o lokisitsweng hantle ka hodimo. Mobu o lokisitsweng hantle bokahodimong ba ona ke mobu o mosesanyane, o se nang tse bolang, tse ka nnang tsa monya tse ding tsa dikhemikhale tse sebedisitsweng mobung.
Mabapi le tshebediso ya dikhemikhale nakong ya ho jala kapa hang ka mora ho jala, molemi a ka etsa qeto ya ho sebedisa plantere hore dikhemikhale di fafatswe ka mokgwa o sephara ka mora mela ya terekere, kapa karolwaneng e nyane ya mola ka mong. Mokgwa o mong ke wa ho kenya safafatsi masimong hang ha plantere e sa tswa feta masimong. Nako e sa le ngata ya ho etsa mosebetsi wa ho fafatsa, e leng ha peo e se e hlahile mobung.
Mokgwa wa kgetho o boetse o itshetlehile haholo ka bokgoni ba terekere le sesebediswa sa molemi kapa se hirilweng ke molemi. Le ha ho le jwalo, ha ho rerwa dintho ho tshwanetse ho hopolwa dintho tse ngata tse kenyeletsang kgonahalo ya hore o ka nna wa ba le nako e nyane ya ho phetha mosebetsi wa ho fafatsa, e leng ka baka la pula e ngata.
Kakaretso ya e meng ya metswako e fumanehang mebarakeng e bontshwa tlase mona. Jwalo ka molemi kapa manejara o tshwanela ho tseba le ho tlwaela dikhemikhale tsa sehlooho tse sebediswang hammoho le bongata ba metswako e sebediswang ho e nngwe le e nngwe ya tsona. Ho teng mefuta e mengata, ya mabitsobitso a fapaneng, e fumanwang mebarakeng, e nang le metswako e tshwanang kapa e batlang e tshwana. Ha o bapisa ditheko tsa yona le matla a tshebetso ya yona, hlokomela ho tseba theko ya yona ka gram lithara ka nngwe e le hore o kgone ho bapisa ditheko ka mokgwa wa nnete.
Acetochlor/atrazine terbuthylazine (mmoho le kapa ntle le safener). Metswako e mengata.
Pele dimela di hlaha. Sebedisa hanghang tshingwaneng e lokisitsweng hantle. Eseng ka mora matsatsi a mabedi.
Sebedisa hanghang tshingwaneng e lokisitsweng hantle.
Ha peo e metse.
Many combinations with many other active ingredients.
Sebedisa maholeng a holang ka matla.
Jwalo ka ha re lemoha mehlaleng ena e mmalwa, ho boima hore molemi a kgone ho fihlella metswako ena yohle e metjha. Ho tlatseletsa, molemi o tlamehile ho etsa tekolo ya hore ke ofe oo a ka o sebedisang ka sekgahla se nepehetseng mobung o itseng moo ho nang le bothata bo itseng ba mahola. Ka mehla ikopanye le setsebi mabapi le dikhemikhae tse bolayang lehola.
<fn>PulaImvula. Chemicals.2008-01.st.txt</fn>
Dikhemikhale tsa temo di ka senya dijothollo tsa hao, bakeng sa ho di tshireletsa ha eba di sa sebediswe ho ya ka dikgothaletso tse behilweng, le ka hlokomelo e hlokahalang. Ka ho latela mehato ya sehlooho nakong ya ho reka le ho sebedisa dikhemikhale, molemi a ka thibela tshenyo dijothollong tsa hae.
Na sesebediswa sa temo se ngodisitswe mabapi le dijothollo tse itseng tse qollehileng (mona Afrika Borwa) le ho sebetsana le mofuta o ikgethileng wa lehola, funguse kapa tlhaselo e itseng?
Na bongata bo kgothaleditsweng ba khemikhale bo sebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe?
Na maemo a lehodimo nakong ya tshebediso le ka mora yona a dumellana le maemo a kgothaleditsweng?
Na nako ya tshebediso e ntse e le e kgothaleditsweng, mohlala, hoseng haholo kapa thapama haholo?
Na maemo a masimo moo dijothollo di lengwang ho ona a wela ka hara meedi ya ditlhoko, mohlala, mongobo wa mobu le mofuta wa mobu?
Na mehato ya taolo kgahlanong le tlhaselo e sebediswa boemong ba ho hola jwalo ka ha ho kgothaleditswe ditaelong tsa tshebediso?
Ditlamorao - na sesebediswa sa temo se na le kotsi e itseng mabapi le phapanyetsano ya dimela (rotation) - ka mantswe a mang, mabapi le semela se hlahlamang?
Na sesebediswa sa temo se ka tswakanngwa le disebediswa tse ding - mohlala, sebolayalehola se qollehileng mmoho le tse ding le/kapa dibolayakokwanyana le dibolayafunguse tse ding?
Dikgothaletso di tshwanetse ho ngolwa fatshe le ho saenelwa ke moemedi.
Bahlahisi ba tshwanetse ho ela hloko hore ho ritsa ho itseng ho ka nna ba eba teng nakong ya tshebediso ya dikhemikhale, haholoholo ka ho fafatsa ka moya, mme ho tshwanetse ho lekwa ho fokotsa sena. Tshenyo e kgolo e ka bakwa ha eba dikhemikhale tsena di ka wela masimong a haufi, a nang le dimela tse fokolang.
Paballo ya dijo e bohlokwa ka ho fetisisa. Ka ho sebedisa dikhemikhale ka nepo le ho boloka direkoto tsa tshebetso, bahlahisi ba se ba ntse ba hlotse ditlhoko tse mpempe ka ho fetisisa tsa paballo ya dijo.
<fn>PulaImvula. Commercial1.2008-11.st.txt</fn>
tsamayang mmoho le photo.
Ka morao: Job Metswamere, Amos Njoro (Mohokahanyi wa provense), Orapeleng Bankies.
Ka pele: Phillip Xaba, Deliwe Ntebele-Mutlwane, David Malo and Solomzi Boozene.
George Mahlangu, Jerry Mthombothi (Mohokahanyi wa provenseZ) le Josias Masombuka.
Ka morao: Samuel Moloi, Isaac Khuto, Moss Malo.
Ka pele: Lungile Malo, Israel Motlhabane, Paul Morule le Thando Lolwane.
Ka morao: Nico Vermaak (Manejara: Ditshebeletso tsa Kopanelo, Grain SA), Jane McPherson (manejara wa lenaneo).
Ka pele: Basie Ntsimane, Lepati Macaphasa le Boy Mokoena.
Ya siyo: Labious Manoto.
Ka morao: Johan Kriel (Mohokahanyi wa provense), Arnold Jenkins, Petrus Monnane, Simon Motsima.
Ka pele: Jacob Khomako, Michael Ramoholi, Malefane Makubo, Samuel Nyambose.
Ka morao: Tonnie Loots (mohokahanyi wa provense), Karabo Peele.
Ka pele: Simon Mazwi, Lasarus Mothusi, John Setshwaro, Daniel Mocwiri.
Ya siyo: Abednego Zilimbola.
Letsatsi la 25 Loetse 2008 le tla dula le hopolwa ke Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA e le le ikgethileng haholo - letsatsi la ho hopolwa.
Morero le sepheo sa lenaneo lena la ntshetsopele ya molemi ke ho ntshetsa pele bahwebi ba batho ba batsho ba hatetseng pele, mme mekete e ileng ya tshwarelwa NAMPO ka la 25 Loetse e ne e shebile ho ela hloko bahlahisi ba ka kenyeletswang indastering e batsi ya temo e le bahlahisi le bahwebi ba mmakgonthe ba batho ba batsho.
Mosebetsi wa bohwebi ka dijothollo ha se o bonolo, mme ha ho tsela tse paroletsang. Bohwebi bo na le mathata, mme phaello e nyane. Bahlahisi bana ba nnile ba tshehetswa ke basebeletsi ba Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA hammoho le ba bang ba bangata ba kentseng letsoho indastering ena - dibanka, dikgwebo tsa temo (agribusiness), dikhamphane tse fepelang ka disebediswa, hammoho le bahlahisi ba bang ba kgwebo.
Ka mora dilemo tse ngata tsa ho thusa bahlahisi ka dihlopha tsa boithuto, diteko tsa diponahatso, dihlodisano tsa Molemi wa Selemo, dithuto tsa dikwetliso, diphatlalatso tsa radio le lengolopotoloho la kgwedi le kgwedi, Pula/Imvula, re fihletse qeto ya ho kenya tshebetsong "Lenaneo la Boemo bo hodimo la Molemi" ho fana ka tshehetso e tebileng le e shebaneng le molemi ka mong ho balemi ba bontshang bokgoni, thahasello, boinehelo le boikemisetso ba ho atleha. Boholo ba bahlahisi ba ileng ba tlotlwa ke bao ba bileng karolo ya "Lenaneo la Boemo bo hodimo la Molemi", le hoja ho le teng ba bang bao e bileng karolo ya lenaneno le bahlahisi bao ka nako e telele re sa kang ra ba le seabo sa letho ntshetsopeleng ya bona jwalo ka bahlahisi - ke bahlahisi ba bahwebi. Re bile le monahano wa hore re tlotle bahlahisi bao ba ileng ba kopana le mathata mme ba a hlola - ke nnete, ke bahwebi ba mmakgonthe.
Re bone ho tshwaneleha ho thakgola sehlotshwana sa 250 Ton Club e le ho ananela katleho ya bao, bao ruri bas eng ba kgona ho hlahisa ditone tse fetang 250 tsa dijothollo ka selemo, e leng bas eng ba le mothating wa ho ka bitswa "bahwebi le bahlahisi". Bongata ba bahlahisi bana ba tla ba feela karolo ya lenaneo la rona nako ya selemo se seng kapa tse pedi, mme tshebetso ya bona e tshwanetse ho ananelwa.
Lenaneo la ntshetsopele e se e le dilemo tse ngata le kene tshebetsong, mme ba Grain Trusts, ka ho qolleha ba Maize Trust ba tsetetse haholo ntshetsopeleng ya bahlahisi. Ruri ke taba e thabisang ha bahlahisi ba 8 ba kenyeletswa lenaneng la bahwebi e le bahwebi ba mmakgonthe, le bahlahisi ba bang ba 26 ba ananelwa ka ho memelwa ho ba ditho tsa 250 Ton Club. Ho teng mekgahlelo e mengata sehlopheng sena sa 250 Ton Club, mme re na le bahlahisi ba 4 bao hajwale ba hlahisang ditone tse fetang 1000, ba 7 ke ba hlahisang ho feta ditone tse 500, le ba 21 ba hlahisang ho feta tse 250. Re rerile ho etsa sena ketsahalo ya selemo le selemo, mme re shebetse pele ho ketekweng ha mekete ya 2009.
<fn>PulaImvula. Commercial2.2008-11.st.txt</fn>
Kgwebo ka mekgwa efe kapa efe!
Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA.
Nico Vermaak (Grain SA), Basie Ntsimane, Boy Mokoena, Karabo Peele, Paul Morule, Job Metswamere, Thando Lolwane, Jane McPherson (Grain SA), Dr Kobus Laubscher (GrainSA), Moss Malo, Lepati Macaphasa, Jenny Mathews (Modulasetulo wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi : Sehlopha se sebetsang mmoho).
Qotso e dumang ditsebeng: "Hara rona ha ho ya tsebang bokamoso Taba ya bohlokwa ke ho sebedisa kajeno ka bohlale le hantle, le ho shebana le hosasa ka mafolofolo le thabo, le ka tiisetso ya hore re tla lekana le seo hosasa ho re tlisetsang sona."
Ka la 25 Loetse 2008 moketjaneng o neng o tshwaretswe NAMPO Park haufi le Bothaville, Lenaneo la rona la Ntshetsopele ya Molemi le ketekile kgato e fihlelletsweng - bahlahisi ba 9 ba fumane kgau lenaneong la rona.
Maemong a rona a Afrika Borwa, re na le seo esale re se nka e le bahwebi ba "basweu", mme bahwebi ba batsho bona ba tsejwa e le ba ntseng ba 'thuthuha', 'ba hlahisang ho ba lekaneng feela', 'ba tshebetso e nyane' kapa 'ba ntseng ba tswela pele'. Re ikutlwile hore nako e fihlile jwale ya ho thoholetsa bahwebi bano bao e seng e le ba mmakgonthe le hoja re ena le mathata a mangata ao re lokelang ho sebetsana le ona ha nako e ntse e eya.
Ho thwe, 'Mathata a bontsha seo banna ba leng sona', mme bahwebi bao re ba thoholetsang ka la 25 Loetse 2008 ba re kgodisitse hore ruri ke banna.
Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo.
Ditaba tse amanang le mobu.
Mekgwa e fapaneng ya kgirisetso ntle le tshireletso.
Kabo ya mobu le puseletso ya mobu.
shebaneng le bahwebi.
Maemo a fokolang a mobu mabapi le phosphate le ditlhoko tsa kalaka.
Ditjeo tse phahameng tsa metjhine le tlhokomelo ya yona.
Ho rarahana ha mekgwa ya / le bothata ba ho bulwa ha mebaraka.
Leqeme la kadimo ya ditjhelete le tlhahiso.
Leqeme la tlhahisoleseding e lekaneng, tsebo le tshehetso.
Ba Agribusiness - haholoholo MGK, NWK, VKB le OVK.
Ha re bolela hore bahwebi bana ba fihlelletse boemo ba Mohwebi wa Mmakgonthe' re bolela eng Ba fihlelletse eng?
Kgirisetso e tiileng ya mobu.
Tshebediso e tiileng ya mobu.
Diterekere, disebediswa tsa temo, tse hlokahalang temong le metjhine.
Dikadimo le tjhelete.
Tsamaiso ya polasi ka kakaretso hammoho le kgwebo.
Karabo Peele, Thando Lolwane, Paul Morule, Job Metswamere, Labious Manoto, Boy Mokoena, Lepati Macaphasa, Basie Ntsimane le Moss Malo. Ba fihleletse sena ka talenta, ho sebetsa ka matla, tsebo, boitelo le boinehelo - ha ho tsela e paroletsang, mme ha o batla ho fihlella seo ba se fihlelletseng, 'se ke wa lahla tshepo!'
<fn>PulaImvula. CommunicationMaize.2008-11.st.txt</fn>
Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le dula le hahamalla ho buisana le wena - molemi. Mekgwa e fapaneng e a sebediswa, e kang lengolo la ditaba la Pula Imvula, dikgaso tsa radio, DVD, difolakga tse phuthollwang, diphostara le maqetshwana a ditaba, sepheo e le ho fihlella molemi.
Re hlophisa le ho hasanya mangolo a kgwedi le kgwedi ka bobedi (maqephe a 8 mmoho le ditshwantsho ka mebala ya tsona), dipuong tse supileng - Senyesemane, Seburu, Sesotho, Setswana, Sesotho sa Leboya, Sexhotsa le Sezulu.
Pula Imvula ke projeke e tswelang pele e nang le saekele ya tlhahiso - diartikele (mangolo) tse simollang di hlophiswa ka Senyesemane, mme ebe di romelwa setsing sa tshebetso moo ho ngolwa ha yona ka Senyesemane ho phethelwang teng. Diartikele di behwa sebopehong se nepahetseng mabapi le mosebetsi wa ho di fetolela, mme tsena he di romellwa ka ntle ho bafetoledi. Tsena di kgutlisetswa setsing sa tshebetso hore dipuo tse ding le tsona di kgone ho kenyeletswa. Ha tsena tsohle di se di tjhaetswe monwana, di romellwa kgatisong le ho romellwa ka ntle e le thepa e kgolo. Saekele ena e nka nako e ka etsang kgwedi tse pedi ho phethahatsa mosebetsi ona.
Selemong sena re atolositse Pula Imvula ho kenyeletsa dijothollo tse tseng - re na le keketso ya maqephe a mane ya kgweditharo kgweding ya Tshitwe, Hlakubele, Phupjane le Loetse mabapi le Tlhahiso ya Koro Foreisetata Botjhabela, e tshehetswang ka ditjhelete ke ba (Truste ya Diseriele tsa Mariha) Winter Cereals Trust. Hape le maqephe a mane a tlatsetso a kgweditharo ka Pherekgong, Mmesa, Phupu le Phato mabapi le tlhahiso ya Soneblomo, e tshehetswang ka ditjhelete ke ba Truste ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine (Oil and Prothein Seeds Development Trust).
Ho hasanya ditaba tsa indasteri hore di fihlelle bohle ba nang le thahasello le ba keneng ka setotswana lenaneong - ho teng diofisiri tse ngata tsa bahlahisi le ba katoloso ka ntle mane, ba tshwanetseng ho tseba ka lenaneno, hore le kenyeleditse eng, le hore ba ka ikopanya le mang ho ka tseba haholwanyane. (Maqetshwana ana a tshwanetse ho fumaneha ka dipuo tse supileng).
Maqetshwana a ditaba a hlophisitswe le ho menahanngwa habedi ka dipuo tse supileng (Senyesemane, Seburu, Sixhotsa, Sezulu, Sesotho, Setswana le Sesotho sa Leboya). Dikopi tsa lengolo lena di filwe diofisiri kaofela tsa provense, mme di boetse di fuwa bohle ba nang le thahasello. Maqetshwana ana a ne a fumaneha NAMPO, mme a tla tswela pele ho sebediswa selemo kaofela.
DVD ya metsotso e robedi mabapi le lenaneo e se e entswe le ho sebediswa hantle haholo nakong ya selemo. Nakong ya NAMPO, re ile ra mema "metswalle ya lenaneo" ho tla boha ditshwantsho tsa pele, mme e bontshitse thahasello e babatsehang haholo. Dikopi tsa DVD di filwe bahokahanyi kaofela ba ntshetsopele provenseng hammoho le bakwetlisi, mme di bohuwa neng kapa neng ha nako e le teng. Kopanong e nngwe ya sehlopha sa boithuto Foreisetata, Johan Kriel o ile a bontsha DVD, mme bahlahisi (balemi) ba kopa ho e bontshwa makgetlo a mararo - ba ne ba hloletswe ho bona ho nama ha lenaneo.
Diphoustara tse menollwang hajwale di sa ntse di etswa, mme di tla sebediswa ke Manejara e mong le e mong wa Provense dikopanong tsa dihlopha tsa boithuto le matsatsing a balemi.
Re sebedisa kgaso ya beke le beke ya radio diteisheneng tse nne tsa radio e le ho fetisetsa ditaba tsa indasteri ho momamedi e mong le e mong.
<fn>PulaImvula. Competition.2010-01.st.txt</fn>
Ka bomadimabe, lemong tse sa tswa feta, temo ha e ka ya thahasellwa ke batjha ba Afrika Borwa e le kgetho ya mosebetsi wa motho. Ho boetse ho na le kgopolo ya hore ha ho bahwebi ba batho ba batsho ba atlehang mosebetsing ona. Ka tlhodisano ena, re bontsha batho hore ho teng balemi ba batsho ba atlehang, le hore batho ba sebetsang ka matla ba a atleha.
Moketehadi moo Molemi wa Selemo a phatlalatswang teng o bile nakong ya dipehelo, le hoja bahlodi ba ile ba hlwauwa nakong e fetileng. Mong. Samuel Moloi wa Fouriesburg, Mong. Isak Khuto wa Ficksburg le Mong. Labious Manoto wa Mooifontein e bile bona ba hlwaetsweng tlhodisano. Mohlodi e bile Labious Manoto wa Mooifontein ya bileng setho sa lenaneo lena la ntshetsopele dilemong tse ngata. (hantlentle ke setho sa 1 000 ton club, mme o "phethile" lenaneong la rona). Lemong sena, ka hoo, re tswetse pele ka tlhodisano jwalo ka dilemong tse fetileng. Ba hlwailweng e le Balemi ba Thuthuhang ba Selemo e bile ba supileng: Mong. Philip Xaba wa Bothaville, Mong. Lungile Malo wa Delareyville, Mong. Simon Mazwi wa Makouspan, Mong. Shimi Mokoka wa Vanderbiljpark, Ms Nolundi Msengana wa Vanderbiljpark, Mong. William Matasane wa Senekal le Mong. Samuel Moloi wa Fouriesburg.
Ditho tsa bahlahlobi nakong ya Phupjane lemong sena e bile Mong. Karabo Peele wa Maize Trust, Mong. Andre Smit wa Land Bank, Mong. Dirk van Rensburg (setho se phomotseng sa komiti ya Phethahatso ya Grain SA), Mong. Jabulani Zitha le Mofum. Jenny Mathews (ditho tsa komiti ya Phethahatso ya Grain SA le sehlopha se sebetsang Ntshetsopeleng ya Molemi), hammoho le ditho tse tharo tsa basebeletsi ba lenaneno (Jane McPherson, Willie KotzÃ© le Danie van den Berg). Ba iketetseng tlhodisano ba etswa Foreisetata ba ne ba amehile haholo, mme ba bararo ba ileng ba kgethelwa ho kenela tlhodisano ban e ba etsa Foreisetata. Lena e bile kgetlo la pele nalaneng ya ketsahalo ena hore ho be siyo ya kgethetsweng ho kenela tlhodisano a etswa North West. Jwalo ka ha ho tlalehilwe lengolong la Tshitwe la Pula/Imvula, mohlodi wa 2009 wa Molemi ya Thuthuhang wa Selemo wa Grain SA ke Samuel Moloi wa Fouriesburg.
Re ile ra tshwara tlhodisano ya Molemi-e-Monyane wa Selemo kgetlo la pele lemong sena - Mpumalanga le Eastern Cape. Lebatowa ka leng le bile le ba bahlano ba iketang. Tlhodisano ena e ile ya hlahlojwa bekeng e le nngwe jwalo ka tlhodisano e nngwe. Re hlokometse ka nako e telele tlhoko ya ho fa balemi ba sebeditseng hantle moputso le hoja ba sebeditse sekotwaneng se senyane sa masimo. Re tshepa hore re tla kenya thahasello bathong ba bangata ho simolla masimong le ha a ka ba manyane hakae, ho ntlafatsa tlhase ya bokgoni hore ba kgone ho ba maemong a ho eketsa boholo ba mosebetsi wa bona.
<fn>PulaImvula. Congrats.2007-11.st.txt</fn>
Nakong ya moketjana wa ditletle NAMPO Park ka la 19 Mphalane, bahlodi tlhodisanong ya Grain SA ya Mohlahisi wa Dithollo ya ntseng a thuthuha wa selemo, mabitso a bona a ile a phatlalatswa.
Selemong sena Mohlahisi wa Dithollo ya ntseng a thuthuha ke Ba bang ba hlotseng e bile ................................. le...................
Re rata ho lebohela hammoho le bahlodi ba bang mabapi le katleho e ntlehadi tjena!
<fn>PulaImvula. Congress(Maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Monghadi Jan Botha wa Thaba'Patchoa o hlahisitse ditletlebo tse ngata lebitsong la balemi ba ntseng ba thuthuha nakong ya seboka sa selemo le selemo sa Grain SA ka la 9 Hlakubele 2011. O ile a tsepamisa maikutlo haholoholo diphephetsong tse shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha hammoho le ho sitwa ha mmuso ho ba thusa.
"Re le balemi ba batsho, re shebane le diphephetso di le ding le balemi ba bahwebi, mme hangata diphephetso tsena di re kgahlapetsa haholo le ho feta hobane ha re na moo re ka balehelang teng," o boletse jwalo Jan pele a tswela pele ho fana ka mehlala ya mathata ao ho shebanweng le ona, le ka moo mmuso o hlolehileng ka teng ho ba thusa.
Tletlebo ya pele eo a e hlahisitseng e bile mohato o tlase wa pH ya mobu. A supa ka moo selemong se fetileng DAFF Foreisetata e ileng ya tshepisa ka teng ho thusa balemi ka kalaka. Mmapa ya GPS e ile ya etswa, disampole tsa mobu tsa nkwa, dikgothalletso tsa etswa, ha etswa diqeto ka bongata ba kalaka, mme le tjhelete e bile teng ditekanyetsong. Tsena tsohle di ne di se di entswe ka Motsheanong, empa le jwale kalaka ha e eso ho tshelwe masimong. "Sena se amme dijothollo tsa lehlabula tsa ngwahola, mme se tla boela se ama koro ya monongwaha," o boletse jwalo, Jan.
Boemo bo fokolang ba disebediswa tsa temo le diterekere e bile tletlebo ya bobedi. O buile hape ka moo Grain SA e ileng ya etsa tekolo e phethahetseng ya diterekere le metjhine ya balemi ba 42 ba Foreisetata, mme a kopa DAFF ho thusa balemi ka dimilione tse R2,5 tsa ditokiso. Tsena di ne di le malala-a-laotswe ka la 12 Hlakubele 2010, empa ho fihlela lena ha ho nko ho tswa lemina.
Tletlebo e latelang ya hae e bile methakala e senyehileng le diforo tsa metsi. "DAFF e na le lenaneo la Tlhokomelo ya Naha le etsang mosebetsi o motle, empa ditekanyetso tsa lona di nyane haholo, mme le mobu o ntse o hoholwa ka potlako ho feta ka moo ho ka sebetswang ka teng."
A boela a ama boemo bo bobe ba mebila ya naha ya rona, le tshwaetso e mpe ya yona baleming, pele a kena bothateng ba ho fudisa ho fetang tekano. "Ho fudisa ho feta tekano ho tshwanetse ho laolwa ke DAFF ka lenaneo le nnileng la tsejwa e le bodem beskerming," Jan a hlahisa jwalo.
Ho hloleha ha bommasepala ho laola masimo a kopanetsweng e bile taba e lenaneng la hae, e kenyelletsang le mathata a ho fumana kadimo ya tjhelete ya tlhahiso. Jan a bolela hore ngwahola e bile feela 25% ya masimo a balemi ba batsho a ileng a kgona ho lengwa hobane balemi bana ba sitilwe ho adingwa tjhelete. Phaello ke e nyane haholo hore e ka tshehetsa taba ya kadimo ya tjhelete. Grain SA e entse lenaneo la meralo ya kgwebo ya balemi ba 152 ba neng ba ratile ho jala dijothollo tsa hlabula. Balemi ba ne ba hloka thuso ya nakwana hore sena se kgonahale, empa ho bonahala ha mmuso o sa ka wa etsa qeto efe kapa efe mabapi le taba ena. "Dihekthara tse 27 000 tsa mobu di ne di tshwanetse hore ebe di jetswe ke balemi bana ba batsho - mmuso ha o a etsa letho ho ba thusa, empa o itlatlarietsa ka ho re o tshwenyehile ka tshireletso ya dijo."
Jan o boetse a tletleba ka diofisiri tsa katoloso tse hlolehang ho thusa balemi. "Ha ba na boiphihlelo ba letho ba mosebetsi wa temo, mme ba bangata ha ba tle le ho tla mapolasing."
Mohlala wa ho qetela wa ho hloleha ha mmuso mabapi le tharollo ya ditletlebo tsa balemi e bile taba ya Lefapha la Ditaba tsa Naha ya ho fana ka mobu ho batho bao e seng balemi. "Balemi ba sebele ba tswela pele ho sokolana le mobu oo e seng wa bona, ha mobu wona o fuwa batho ba sitwang ho o sebedisa."
Monghadi Jan Botha o phethetse ka ho etsa thapedi ho Modulasetulo wa Seboka ho fetisetsa molaetsa wa bona ho ba baholo ba mmuso. "Ba hloleha ho thusa balemi ba batsho, mme re tla sitwa ho fetola lefapha lena ha feela mmuso o ntse o sa phethise tseo o lokelang ho di etsetsa batho." O phethetse jwalo.
<fn>PulaImvula. Congress(maize).2011-02-08.st.txt</fn>
Selemo le selemo, Grain SA e tshwara Seboka sa selemo Bothaville kgweding ya Hlakubele. Lemong sena, matsatsi a Seboka ke la 9 le la 10 kgweding ya Hlakubele.
Ditlhophisong tsa Seboka, re tla tshwara diboka tse nyane (dibokana) tsa ditho tsa dihlopha tsa boithuto tsa Grain SA - dikopano tsa mabatowa tse tshwarwang di tshwarelwa ditho tsa bahwebi tsa Grain SA. Nakong e fetileng, re ile ra tshwara dikopano tse nne feela tsa balemi ba ntseng ba thuthuha, empa re lemohile hore ka nako e nngwe balemi ba kopana le bothata ba ho nka maeto a malelele ho ya dikopanong.
Jwalo ka setho se lefileng ditshwanelo sa sehlopha sa boithuto sa Grain SA, o memelwa kopanong e tla ba lebatoweng la hao, e hlophisitsweng ke mohokahanyi wa provense ya thusang sehlopha sa hao sa boithuto.
Dikopano di hlophisitswe ka mokgwa ona, (o tla tsebiswa sebaka hamorao).
Ke sefe seo o tshwanetseng ho se etsetswa ke Grain SA, mokgatlo wa hao wa thepa, jwalo ka ha o le molemi?
Na Grain SA e ikemiseditse bokamoso?
Dikopanong tse nyane tsa seboka (dibokana), balemi ba hlophisetswa Seboka, mme ditho tsa dihlopha tsa boithuto di fuwa sebaka sa ho kgetha baemedi ba tsona ba yang Sebokeng. Nakong e fetileng re ile ra leka ho arola dihlopha tsa boithuto ho ya ka Leboya, Borwa, Botjhabela le Bophirimela, empa hona ho bile le mathata ka ha meedi e sa hlaka hantle. Ho nolofatsa dintho, re qetile ka hore ho tshwarwe kopano lebatoweng la e mong le e mong wa bahokahanyi ba provense. Baromuwa ba 32 ba yang Sebokeng ba tla dumellwa (ke molaotheo wa Grain SA) ho ya Sebokeng se tla tshwarwa Bothaville ka la 9 le la 10 kgweding ya Hlakubele. Hara baromuwa bana ba 32 ba yang Sebokeng, baemedi ba bane ba tla kgethwa ho ba ditho tsa Komiti ya Phethahatso ya Grain SA. Ditabeng tse ngotsweng leqepheng la bohlano, o tla bala ka dikgothaletso tse tla lokela ho etswa molaotheong.
Ho ya ka boiphihlelo ba rona, re lemohile hore bao ba ileng ba kgethelwa ho ba tsamaisong ya Phethahatso ha e ka ya eba ditho tse feletseng tsa balemi ba dijothollo, mme ha ba ka ba kgona ho fihlella se lebelletsweng ho bona nakong ya dikopano. Re tshepa hore balemi ba tla dumellana hore ho etswe phetoho molaotheong jwalo ka ha ho entswe ditlhlahiso e le ho tiisa hore balemi ba ntseng ba thuthuha ba kgetha baemedi ba sebele ba ka sebetsang Komiting ya Phethahatso. Ditho tsena tsa Komiti di tlamehile ho utlwisisa lefapha la kgwebo la dijothollo hore di kgone ho kenya letsoho dipuisanong le ho thehweng ha maano.
<fn>PulaImvula. Conservation(maize).2010-11-08.st.txt</fn>
Paballo ya mobu wa rona - re ka etsa eng?
Kgoholeho ya masimo a matle Afrika Borwa e ka tadingwa e le ho hloka tsebo ha batho le tshebediso e mpe ya mobu. Ke taba ya bohlokwa hore balemi ba ithute haholwanyane ka kgoholeho le taolo ya yona le ho jara boikarabelo ba ho kgutlela mekgweng ya paballo e tla tshireletsa lefatshe.
"Haeba motho a ke ke a fumana le ho sebedisa mekgwa ya ho sebetsana le mobu o tla baballa mohlodi wa bophelo, rona batho re tshwanetse ho lebella nako - le ha e ka ba hole hakae, le hoja e bonahala, mohlang rona, ha re se re sentse leruo la rona, lefatshe le tla fela ka baka la tshenyo e bakilweng ke rona" Moprofesara N.S. Shaler wa Yunibesithi ya Harvard, 1896.
Mantswe ao a ngotswe ka 1896; kajeno re sitwa ho iphapanyetsa bothata bo leng teng. Dalai Lama o lemoha kgoholeho ya mobu e le tsietsi e tshosang, e ntseng e re nanarela e kgutsitse.
"Letswalo la dibetsa tsa nuclear le bokgoni ba motho ba ho senya tikoloho ruri di kenya letswalo. Homme ho teng diphetoho tse ding tse batlang di sa lemohuwe. Ke nahana ka ho fela ha mehlodi ya rona ya tlhaho, haholoholo kgoholeho ya mobu, mme tsena mohlomong di sa ntse di le kotsi le ho feta hobane hang ha re simolla ho utlwa ditholwana tsa tsona, nako e tla be e se e ile". (Leqephe la 144 la the Dalai Lama's Little Book of Inner Peace: 2002, Element Books, London).
Kgoholeho ya mobu ke ketsahalo ya tlhaho, empa qaka ke hore tshebetso ya motho hangata e potlakisa tshenyeho ka potlako ho feta ka moo e ka beng e etsahetse ka teng ka mokgwa wa tlhaho. Ha mobu o hohola masimo kapa polasi, o hoholella le menontsha ya bohlokwa, manyolo, dibolayakokwanyana le tse bolang (organic matter). Balemi ba ke ke ba mamella tahlehelo ya ikonomi ka mokgwa o jwalo kapa sekgahla se sebe tikolohong sa ho dumella kgoholeho e jwalo kapa ho fefolwa ho jwalo ke moya.
Dithuto di bontsha hore tahlehelo ya mobu ka selemo Afrika Borwa e etsa dimilione tse 300 - 400 tsa ditone, e leng tse batlang di etsa ditone tse tharo hekthara ka nngwe. Boleng ba menontsha ya mobu le manyolo a hoholelwang lewatleng ke dinoka tsa Afrika Borwa ka selemo ke diranta tse dimilione tse hlokang palo. Mabapi le tone ka nngwe ya dihlahiswa tsa temo tse kang poone, koro, mabele le tswekere, Afrika Borwa e lahlehelwa ke palohare ya ditone tse 20 tsa mobu. Mokgatlo wa Dijo le tsa Temo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika o akanya hore tahlehelo ya lefatshe ya mobu o motle wa tlhahiso ka mokgwa wa kgoholeho ke dimilione tse hlano ho isa ho tse supileng tsa dihekthara selemo le selemo. (Enviro Facts, University of Western Cape).
Afrika Borwa ke naha eo halofo ya mobu wa yona e leng o sa lemeheng. Metsi a foreshe ke mohlodi wa rona wa tlhaho empa o re sehetseng meedi haholo. Boteng ba metsi hona jwale le nakong e tlang ke ntho e itshetlehileng haholo ka tlelaemete, tshebediso ya metsi le tlhokomelo le ditlwaelo tsa tshebediso ya mobu. Ka ha metsi e le sesebediswa se sa fumaneheng ha bonolo, ho bohlokwa hore balemi ba sebedise mekgwa e metle ka ho fetisisa ya ho baballa metsi ka moo ho kgonahalang ka teng. Pula e matla eo metsi a yona a theosang le masimo (metheong) e baka mangope (mapatso a tebileng bokahodimong ba masimo), e leng hape se bakang kgoholeho ya mobu.
Temo mothakaleng ka kakaretso e etswa masimong a leng motheong, moo ho jalwang dijothollo teng. Ke mokgwa o sebediswang ke molemi ka ho etsa mekokotlo le diforo nakong ya ho lema le ho jala, sepheo e le ho thibela kgoholeho ya mobu o ka hoholwang le ho nkwa ke metsi ka baka la ho sekama ha masimo ho entseng motheo. Ka baka lena, ho etswa methakala e leng ho kang mekokotlo e thusang hore masimo a se hoholehe ha bonolo. Masimong a nang le methakala mela e jetsweng ha e shebe moo tshimo e sekametseng teng, empa e a tshekalla. Ho tshekalla hona ho thibela mobu o ka hoholwang ke metsi nakong tsa dipula, mme mobu o fumana sebaka sa ho monya metsi a bohlokwa.
O eketsang ho monyela ha metsi mobung.
Mekgwa e meng ya paballo ya mobu e fela e ja haholo pokothong, empa kuno e eketsehileng ka baka la methakala e bolokang mobu o ka hodimo, e na le molemo o itseng kgahlanong le tahlehelo ya nako e kgutshwane ya dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo. Diphuputso di bontshitse hore tshebediso ya methakala e eketsa kuno ka 5% ho isa ho 10%, le hore ditjeo tsa mafura le metjhine di a theoha papisong le moo ho sa tsotellweng taba ya ho lema feela le moo masimo a leng metheong.
Ho lema ka ho sebedisa methakala ho kgothaletswa ke ditsebi e le o mong wa mekgwa ya ho rarolla qaka ya kgoholeho ya mobu. Bongata ba mobu o lahlehang bo laolwa ke lenaneo la ho phethola mobu le sebediswang ke molemi. Diphetho tse ntle di bonahetse moo mekgwa ya no till e sebediswang, e leng moo tahlehelo ya mobu e leng e tlase, le moo mobu o hoholwang ke metsi o leng monyane haholo. Ka mokgwa wa no till mobu ha o tshwenngwe, mme dipeo tsa dijothollo tse ntjha di jalwa mobung moo masalla le ditlhaka tsa dijothollo tsa nako e fetileng di lemelletsweng le mobu.
Ho totobetse hore mekgwa e sebediswang e tshwanetse ho ba e loketseng maemo a masimo polasing ka nngwe, mme moralo wa paballo o tshwanetse ho dumellana le sepheo sa molemi ka mong. Mekgwa ya paballo, e kang, temo ya mofuta wa methakala e fana ka monyetla wa ho tlosa metsi a mangata a sa hlokahaleng ka mokgwa o seng kotsi. Metsi ana ke a leng hodima masimo kapa tshireletsang mobu kgahlanong le meya e senyang. Le ha ho le jwalo, moralo o motle wa paballo o boetse o kenyelletsa tshebediso e ntle ya manyolo (ekaba a rekiswang mabenkeleng kapa a diphoofolo), tshwaro ya dibolayakokwanyana ka hloko, ntshetsopele ya sebaka sa bodulo sa diphoofolo tse hlaha le hlokomelo ya dibaka tse nang le metsi. Paballo e tshireletsa masimo le ho ntlafatsa tlhahiso ya ona. E boetse e eketsa boleng ba masimo.
Ha ho qeaqeo hore ho hlokahala botsebihadi bo itseng hammoho le bona boitsebelo (skill) ba boenjinere temong mabapi le moralo o simollang. Mona ho kenyelleditswe le ho etswa ha methakala.
Ke eng e tla etsa moedi pakeng tsa methakala, mohlala, mekokotlo kapa makukuno, diforo kapa metjhophoro ya lekgulo le nang le jwang.
Re tshwanetse ho buisana le batshehetsi ba rona ba tswang mmusong, Lefapheng la Temo hammoho le balaodi ba katoloso. Batho bana ba tshwanetse ho thusa balemi ka tsebo le boitsebelo ka tlhokomelo ya masimo.
Re le balemi re tshwanetse ho amohela boemo ba rona re le bahlokomedi ba lefatshe hammoho le mehlodi ya bohlokwa ya tlhaho. Re tshwanetse ho nahana ka seo re se nkang lefatsheng le hore se na le ditlamorao dife mehloding ya tlhaho. E mong wa balemi ba ka sehloohong wa lebatowa la Rustenburg, Karabo Phele, ha a arabela polelo e reng o lehlohonolo ka tlhahiso e phahameng ya soneblomo empa a sa kenya manyolo mobung o motsho, o nonneng, o fumanwang lebatoweng leo, o itse, "Ha o nka ho hong mobung selemo le selemo, ho sa tsotellehe hore se setle hakae, mme haeba le ka mohla ha o kgutlisetse ho hong moo, etlaba o fedisa mobu oo, mme wena kapa meloko e tla tla e tla fumana hore lefatshe le sitwa ho fana ka seo le kileng la fana ka sona".
Masimo a boemo bo hodimo ka dijothollo a lahlehelwa ke mobu wa bohlokwa o ka hodimo, mme bokgoni ba ona bo a theoha. Qetello ke hore molemi o iphumana a lomahantse meno ka teko ya ho fumana ho hong masimong ao. Kgoholeho le tahlehelo ya monono wa mobu di qetella di bolaile mobu oo! Ha se tlhaho, empa ke Motho ka boyena ya fetolang naha hore e be lehwatata. Paballo ya mobu wa rona le mehlodi ya metsi di hlokolosi ho tiyeng ha ikonomi ya rona le paballehong ya batho!
<fn>PulaImvula. Constitution(maize).2011-02-08.st.txt</fn>
Dithasiselletso tse hlahisitsweng molaotheong (boemedi dihlopheng tsa tshebetso, Lekgotlana la phethahatso le Seboka ka balemi ba thuthuhang) di tla tekwa sebokeng sa 2011 ka Hlakubele.
Dihlopha tsa boithuto (balemi bao e seng ba kgwebo) di tla kgetha baemedi ba tla di emela Dihlopheng tsa Tshebetso tse shebaneng le Ntshetsopele ya Molemi, eseng Sebokeng.
Sehlopha sa 250 Ton Club (bahwebi ba batsho) se tla kgetha baemedi ba tla se emela Sebokeng, e leng moo ditho tse nne tsa ba batsho tsa Phethahatso di tla kgethwa teng.
Sepheo ka ho romela ditho tsa 250 Ton Club Sebokeng le taba ya ho kgetha ditho tsa Phethahatso ke ho tiisa hore balemi ba bahwebi ba batho ba batsho ba ba teng Sebokeng, mme e ba ditho tsa Phethahatso, e seng batho feela bao ho ka thweng ha se balemi ba dijothollo. Hona ho tla ba dumella ho sebetsa Sehlopheng sa Tshebetso, Sebokeng le Phethahatsong, le ha ho le jwalo, ha feela ka nako tsohle e ntse e le bahlahisi ba dijothollo.
Baemedi ba babedi ba sehlopha sa boithuto ho ya ka lebatowa la tshebetso la diofisi tsa lebatowa di tla kgethwa nakong ya dikopano tsa lebatowa tsa selemo le selemo tse tshwarwang pele ho Seboka, hore ba sebetse sehlopheng sa tshebetso sa ntshetsopele ya molemi. Nako ya tshebetso ya baemedi bana ba Sehlopha sa Boithuto Sehlopheng sa Tshebetso (Working Group) e tla ba selemo, mme baemedi bana ba ka nna ba kgethwa hape mabapi le nako e hlahlamang ya tshebetso ha nako ya bona e se e fedile.
Phethahatso e arotse mabatowa a tlhahiso ya dijothollo ho la riphaboloke ka dihlopha tse pedi, e leng mabatowa a Botjhabela le a Bophirima, mme N1 Leboya/Borwa ke moedi pakeng tsa mabatowa ana, mme sena se tiisitswe ke Seboka. Sena se jwalo ha feela ho arolwa ha lebatowa e le taba e ka nnang ya fetolwa ke Seboka neng kapa neng ho ya ka kgothalletso ya Phethahatso, e le ho tiisa hore ho arolwa hoo ha lebatowa ke ntho e molemong wa balemi ho ya ka ditabatabelo tsa balemi ba ntseng ba thuthuha ba dijothollo ho phatlalla le naha.
Dihlopha tsa Boithuto di hlongwa ka hara lebatowa la Botjhabela le la Bophirima jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao. Sehlopha ka seng sa Boithuto se na le bonyane ditho tse 10 (leshome) tsa Sehlopha sa Boithuto, e leng tse hlahisang dijothollo lebatoweng le amehang. Setho sa Sehlopha sa Boithuto e tla ba setho sa Sehlopha se le seng feela sa Boithuto.
Ntlha ya 25.3 ya molao mabapi le baromuwa ba tswang baleming ba dijothollo, e leng bahwebi ba batho ba batsho ho ya Sebokeng, ho tla etswa tlhophiso ya baromuwa ba 32 (mashome a mararo a metso e mmedi). Tumello ya baromuwa bana e ke ke ya laolwa ke tlhahiso kapa tefello ya lekgetho la thepa mabatoweng a bona. Sehlopha sa 250 Ton Club se tla kgetha selemo le selemo baromuwa ba 32 (mashome a mararo a metso e mmedi) ho ya Sebokeng. Hona ho tla etswa nakong ya dikopano pele ho Seboka. Baromuwa ba 16 (leshome le metso e tsheletseng) ba tla kgethwa lebatoweng la tshebetso la Botjhabela, ha baromuwa ba bang ba 16 (leshome le metso e tsheletseng) ba tla kgethwa lebatoweng la tshebetso la Bophirimela (jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao). Baromuwa ba kgethetsweng ho ya Sebokeng ba tlamehile ho kgotsofatsa ditlhoko tsa ho ba ditho jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 5.1.4 ya molao.
Ho ya ka ntlha ya 11.3 ya molao, baemedi ba 4 (ba bane) ba tla kgethwa, mme e mong le e mong wa bona o emetse ditabatabelo tsa balemi ba bahwebi ba dijothollo ba batho ba batsho hammoho le dihlopha tsa boithuto mabatoweng a tshebetso a Botjhabela le a Bophirimela (jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao). Ditho tse 2 (pedi) tsa lebatowa la tshebetso la Botjhabela le tse 2 (pedi) tsa lebatowa la tshebetso la Bophirimela di tla kgethwa nakong ya Seboka ke baromuwa ba mabatowa ana a tsbebetso a amehang, mme bakgethi ba tla kgetha ka mokgwa wa dipampiri tsa lekunutu (ballot papers). Setho se le seng sa lebatowa la tshebetso la Botjhabela le se le seng sa lebatowa la tshebetso la Bophirimela di tla kgethwa selemo le selemo. Ditho tsena tse 4 (nne) tsa Phethahatso e tla ba ditho ho ya ka boemo ba bona (ex officio) Sehlopheng sa Tshebetso sa ntshetsopele ya molemi.
Ntlha ya 13.3, mabapi le ditho tse boletsweng ntlheng ya 11.2 le ya 11.3 ya molao, ho ya ka boipolelo ba bona bo ngotsweng, ba tla iphumanela karolo e kgolo ya tjhelete e kenang ya temo e le e tswang tlhahisong ya dijothollo le ho mmarakwa ha tsona.
Ela hloko: Ka hoo, kgothaletso ke hore tlhoko e boletsweng ho 13.3 e tla ama ka bobedi bahwebi hammoho le balemi ba bahwebi ba batho ba batsho ba leng Phethahatsong. Dintlha tsohle mabapi le tokelo ya ditho Phethahatsong di tla dula di bolokilwe jwalo.
Ditho tsa 250 Ton Club (balemi ba bahwebi ba batho ba batsho).
5.1.4.3 Tshehetsang sepheo sa GSA di tla dumellwa ho ba ditho tsa GSA.
Botho bo tla fumanwa ho ya ka mokgwa o hlalositsweng Melawaneng (regulations). Baromuwa ba 250 Ton Club ba yang Sebokeng ba tla ba le tokelo ya ho kgetha (vouta).
5.2 Setho se boletsweng ntlheng ya 5.1.1, 5.1.2, 5.1.3 le 5.1.4 ya molao se tla dula e le setho sa GSA ho o le mong wa mekga ya botho e boletsweng ntlheng ya 5.1 ya molao.
<fn>PulaImvula. ConsumptionMaize.2009-09.st.txt</fn>
Tshebediso ya metsi - e ama ho nosetsa jwang?
Bongata ba metsi a sebediswang hammoho le ditlhoko di tswa Lefapheng la Ditaba tsa Metsi le Meru. Dipalopalo tsa selemo sa 2000 mabapi le basebedisi ba sehlooho ba metsi Afrika Borwa di bontshwa tlase mona. Tshebediso ya metsi e hlahiswa ka dimilione tsa cubic meters ka selemo.
Ho a totobala hore tshebediso ya metsi temong e batla e nka halofo ya mehlodi e leng teng ya metsi. Ka ho eketseha ha batho ka ho fetang dimilione tse 47 ho teng kgonahalo ya hore karolo ena e ka nna ya eba tlasa kgatello e eketsehang ya ho sebedisa metsi ho ipapisitswe le molao hammoho le mesebetsi ya tlhahiso feela. Ho akanngwa hore mehlodi ya metsi Afrika Borwa e nnile ya ntshetswa pele ka hohle ka moo ho kgonahalang le hore ntshetsopele e fetang ena e tla ba taba e boima haholo.
Dihekthara tse ka bang dimilione tse 1,3 tsa mobu wa temo Afrika Borwa hajwale di a nosetswa, ha dihekthara tse ding tse 233 600 ho feta moo di ena le bokgoni ba ho ntshetswa pele. Ho lekanngwa hore ka baka la tlhokeho ya metsi feela, dihekthara tse 178 000 tsa tsena di tla ntshetswa pele nakong e tlang. Tlhahiso ya poone ya ditone tse ka bang 660 000 dihekthareng tse 110 000 tsa mobu o nosetswang, e etsa diperesentse tse 10 tsa dijothollo tsa naha tse leng tlasa nosetso.
<fn>PulaImvula. ContractingMaize.2008-10.st.txt</fn>
Mohlahisi ya o sebedisang jwalo ka rakonteraka o na le ditebello tse itseng mabapi le mosebetsi o tshwanetseng ho etswa. Wena, jwalo ka rakonteraka o na le boikarabelo ho mohlahisi, eo hantlentle qetellong ya ditaba o itshetlehileng ka yena.
Ke taba ya bohlokwa ho hopola ka mehla hore ho phetholwa ha mobu sepheo sa hona ke ho lokisa masimo mabapi le djothollo.
Ha eba boemo ba masimo e le boo ho totobetseng hore mosebetsi o nepahetseng o sitwa ho etswa, eba he, rakonteraka o tshwanela ho bolella mohlahisi nnete ena ho ena le ho etsa mosebetsi o fokolang, ebe o lebella tefo. Tokiso e fokolang ya mobu e tla ja mohlahisi tjhelete, mme e ke ke ya mo fa tiisetso ya dijothollo tse hlahlamang. Ha eba mohlahisi a ke ke a etsa phaello ka bohwai ba dijotholllo, rakonteraka ruri o tla iphumana a feletswe ke mosebetsi.
Mosebetsi wa sehlooho wa ho phethola mobu o hlahlama kotulo ya dijothollo tsa nako e fetileng. Mabatoweng a dipula tsa hlabula, moo sejothollo sa mariha se tshwanetseng ho lengwa (mohlala, koro), ho itshetlehilwe ka lebatowa, kgothaletso ke hore ho phetholwa ha pele ha mobu ho etswe kapele ka moo ho kgonahalang ka teng ka mora ho kotulwa ha sejothollo sa koro. Tlwaelo ena e tiisa hore pula e ngata ya lehlabula ka moo ho kgonahalang ka teng e kenella mobung monyetleng wa pele o bang teng.
Ha dijothollo tsa hlabula di se di kotutswe (mohlala, poone), mosebetsi o le mong o ka shejwang jwale ke ho sebetsana le masimo pele dipula tsa selemo di simolla ho tiisa hore pula e kgona ho kena mobung sehleng se hlahlamang sa temo. Mabapi le sejothollo se itseng lebatoweng ka leng, ho teng nako e ntle ya ho jala. Ho jala ka nako e nepahetseng ke taba e hlokolosi haholo katlehong ya dijothollo. Ho phetholwa ha mobu ho etswang pele ho jalwa ho tshwanetse ho etswa e le hore mobu o se o loketse ho jalwa ka nako e rerilweng.
Rakonteraka wa sebele o utlwisisa tshebetso e ntle ka ho fetisisa lebatoweng le ikgethileng, mme hape ke boikarabelo ba rakonteraka ho tsebisa mohlahisi ha nako e se e ile, kapa ha eba maemo a sa dumelle mesebetsi e itseng, e fapaneng. Ha ho molemong wa mang kapa mang ho jala nako e se e ile, ka ha mathata a fapaneng (mohlala, serame kapa komello) di sitisa mohlahisi ho etsa phaello ya letho. Rakonteraka ya ntseng a tswela pele ho jala nako e se e fetile, o senya kgwebo ya mohlahisi hammoho le ya hae ka sebele.
Ha ho kgonahale ho beha maemo mabapi le tshebetso e nngwe le e nngwe ya lebatowa le leng le le leng. Mesebetsi e tlamehang ho etswa ke e tshwanetseng ho dumellwa ke mohlahisi le rakonteraka pele mosebetsi o ka etswa. Mohlala, ha eba mohlahisi a batla hore rakonteraka a leme palo e itseng ya dihekthara botebong bo itseng, sena se tshwanetse ho utlwisiswa ka ho hlaka ke batho bana ba babedi, hantlentle ho kenyeletswe konterakeng - mohlala, e ka ba dihekthara tse 30 botebong ba 300 mm.
Ho jala ha konteraka ho tla hloka haholo maemo a ikgethileng. Mohlahisi o tla hloka palo e itseng ya dimela hekthara ka nngwe hammoho le tshebediso ya palo e itseng ya dikilokeramo tsa manyolo hekthara ka nngwe. Ntle le tikatiko ho bohlokwa hore rakonteraka a nnetefatse hore maemo kapa dipeheletso tsena di a fihlellwa - katleho ya dijothollo e itshetlehile ka nepahalo ya ho jala. Rakonteraka ka baka leo, o tshwanetse ho ikgwantlella e le ho tiisa hore a ka kgona ho fihlella maemo a lebelletsweng.
Mabapi le ho fafatsa ha konteraka, ho boetse ho bohlokwa ka ho fetisisa hore ditekanyetso tse etswang di etswe ka nepo - bongata bo nepahetseng ba tjhefo hekthara ka nngwe hammoho le bongata bo nepahetseng ba metsi hekthara ka nngwe.
Ka kakaretso, borakonteraka ba sekametse tabeng ya ho ikenya mosebetsing o mongata ho feta ka moo ba ka kgonang ka teng nakong e ntle eo ba nang le yona le maemong a hlokahalang ao ba ka a fihlellang. Lebaka ke hobane, bongata ba dihekthara tseo a ka di sebetsang bo bolela tjhelete e ngata eo a ka e fumanang. Kotsi e teng maemong ana, e leng hore ha mohiri a sa kgotsofale (mohiri mona ke mohlahisi), a ke ke a boela a sebedisa rakonteraka eo nakong e tlang.
Ho na le maemo ao ka kakaretso a amohelehang mabapi le hore ke dihekthara tse kae tse ka sebetswang ka letsatsi ho ya ka sesebediswa se itseng (Theibole ya 1).
Ditjeo tsa tshebetso di batla di rarahana hobane mefuta e mmedi ya tsona e tshwanela ho kenyeletswa. Metjhine e tshwanetse ho rekwa (ditjeo tsa sehlooho), mme e tshwanetse ho sebediswa le ho hlokomelwa.
Terekere ka nngwe le sesebediswa ka seng di na le nako e lebelletsweng ya tsona ho ya ka maemo a tlwaelehileng a tshebediso le tlhokomelo, mme ka mora moo di tshwanetse ho nkelwa sebaka ke tse ntjha kapa di lokiswe ka ditjeo tse phahameng. Molemong wa puisano, indasteri e na le maemo a ikgethileng, mohlala, bophelo ba terekere bo nkwa hore e ka ba dilemo tse 12 (dihora tse 1 000 tsa mosebetsi ka selemo nakong ya dihora tse 12 000 = 12 dilemo). Maemo ana a laotswe ke mokgwa oo metjhine e entsweng ka yona hammoho le bolelele ba ho sebetsa ha yona. Hore o fihlelle ditshenyehelo tsa sehlooho tsa terekere, ditjeo tse simollang di arolwa ka dikarolo tse 12 - karolo e le nngwe bakeng sa selemo ka seng sa bophelo ba terekere.
Ho feta mona, ho nkuwa hore tjhelete e sebedisitsweng ho reka terekere e bile e adimilweng, mme ka baka leo, phaello e fetoha karolo ya ditshenyehelo tsohle hekthara ka nngwe.
Hona ho na le sekgahla se matla bongateng ba mosebetsi o ka etswang kgweding e le nngwe. Ke taba e tshwanetseng ho dula e hopolwa hore bohwai bo shebane le dintho tse ngata - sekgahla sa pula mosebetsing wa rakonteraka ha se a tshwanela ho kgellwa fatshe. Matsatsi a mangata ke a senyehang feela nakong ya selemo ka baka la matsatsi a dipula, le matsatsi ao mobu o leng metsi haholo hore ho ka sebetswa.
Ikopanye le ba seteishene sa lehae sa maemo a lehodimo (ARC ya Mobu le Metsi Pretria, nomorong ya (012) 310-2500, mme o buisane le Derick Vermaak).
Ena ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa konterakeng. Hopola hore ha metjhine e eme, e sa sebetse, ha e robehe - Ke feela ha e sebetsa moo kgatello e eketsehang, mme metjhine e sebetsang ka matla moo dikarolo (parts) tse fetseng di simollang ho robeha. Ke ka baka lena ho hlokahalang ho nka mehato ya thibelo metjhineng kaofela nakong ya kgefutso.
Nakong eo wena jwalo ka rakonteraka o shebanang le palo ya dihekthara tseo o tla di sebetsa sehleng se hlahlamang, hopola ho kenyeletsa le matsatsi ao ka ona dintho di tla putlama ka ona.
Ha se hangata batho ba saenang dikonteraka tse ngotsweng. Lebaka ke hobane ho na le dintho tse ngata tse dulang di fetoha mona le mane - mohlala, ho robeha ha metjhine le maemo a lehodimo hammoho le diketsahalo tse ding tsa Modimo. Konteraka e tshwanetse ho ngolwa ka mokgwa o lokolohileng e le ho bula monyetla mabapi le maemo a itlhahelang lesumatha - mme hobane e ngotswe ka mokgwa o lokolohileng, sena se bula monyetla wa hore batho bana ba babedi ba nyahlatse tumellano ha bonolo.
Dikonteraka tsa mofuta ona e ka ba tsa molomo, kapa tsa boitlamo bo itseng. Ka bobedi tumellano e ba ya mosebetsi o itseng o tshwanelang ho etswa, le hona ka poreisi e itseng.
Le leng la mabaka a bakang kgohlano pakeng tsa mohlahisi le rakonteraka ke la boholo ba masimo bo lokelang ho sebetswa. Ho molemong wa mohlahisi ho nyenyefatsa palo ya dihekthara tsa hae, le molemong wa rakonteraka ho atolosa dihekthara tsa hae.
Boholo ba masimo bo tshwanetse ho lekanngwa ka nepo e le ho qoba mathata. Tshebediso ya GPS e entse tekanyo ya boholo ba masimo hore e be ntho e bonolo, e bileng e nepahetseng haholo. Le ha ho le jwalo, ha se batho bohle ba nang le monyetla ona wa theknoloji. Ho teng mekgwa e bonolo ya ho lekanya boholo ba masimo e leng wa ho sebedisa mekgwa ya motheo ya 'sebaka' (area).
Monghadi JP le Roux wa Pretoria o entse boithuto ba ditshenyehelo tsa metjhine, mme o bokelletse tataiso e batsi, e akaretsang tsohle mabapi le metjhine. Tataiso ena e tadingwa e le motheo o tiileng wa sehlooho, oo ho ka etswang diqeto ho ona mabapi le ditshenyehelo. Monghadi Koos le Roux ho ka ikopanngwa le yena nomorong ya (012) 998-2803, kapa 082 828 9531, kapa e-meili koosleroux@absamail.co.za.
Ho elwe hloko hore o kenyeletsa ditshenyehelo tse otlolohileng le tsa sehlooho ha a etsa dipalo tsa hae, empa ha a kenyeletse ditshenyehelo tsa matsoho hammoho le teboho efe kapa efe e fuwang rakonteraka, hammoho le transeporoto ya disebediswa ho ya sebakeng se setjha - mohato wa phaello o tla tshwanela ho kenyeletswa dipalong tse qotsitsweng, hammoho le matsoho le ditjeo tsa transporoto pakeng tsa ditsha tse pedi tsa konteraka.
<fn>PulaImvula. Crop(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Komiti ya Naha ya ditekanyetso tsa Sejothollo e fana ka dipalo mehatong e fapaneng ya dihla tsa ho hola ha dijothollo, e leng se fanang ka ditekanyetso tsa sejothollo masimong nakong ya mohato oo. Ditekanyetso tsena di bohlokwa qetong ya hore theko ya sejothollo seo e tla ba bokae.
Ditekanyetso tsa sejothollo ke eng?
Grain SA e utlwisisa hore tekanyetso ya sejothollo ke taba e boima haholo. Maikutlo a hlakileng a tshwanetse ho tsepamiswa hodima seabo le mosebetsi wa Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo pele ho ka hlahiswa diphetoho tse ka nnang tsa tswela pele ho ba le sekgahla se sebe ho balemi.
Ho hopolwe hore Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo e etsa tekanyetso sejothollong sohle, e seng feela ho se rekiswang mmarakeng. Ho feta mona, ha ho kgonahale ho ka tseba ho nama ha karolo e jalwang hammoho le kuno e tla lebellwa - e dula e le tekanyetso. Boleng ba tekanyetso bo ka ba botle jwalo ka bao ba re tlisetsang ditaba. Mohlodi o moholo wa ditaba tsa bohlokwa e tla nne e be balemi ka bobona.
Ke bomang Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo (CEC)?
Balemi ba ka bang 3 000 ba tshwarahaneng matsoho, ba romellang ditaba tsa bona komiting kgwedi le kgwedi.
Diinstitushene tse tsejwang ka la Spatial Intel le Geoterra Image ba bolelang sebaka se jetsweng sejothollo, mme ba sebedisa ditshwantsho ka sathalaete.
Institjhute ya dijothollo ya ARC hammoho le institjhute ya Dijothollo tse Nyane, e leng tse sebetsang ka dipalopalo (statistics) le ntle le leeme ka tshebedisano le balemi.
Baemedi ba Mafapha la Provense a Temo, ba fanang ka tsebiso mabapi le boemo mabatoweng a tlhahiso.
Ba Agribusiness ba iketsetsang ditekanyetso tsa bona tsa dijothollo mabatoweng a bona. Ditaba tsena di fetisetswa Komiting ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo, empa mabatowa a bona a lekantsweng, a jetsweng, ha a sebediswe ditekanyetsong tsa bona.
Bolaodi ba Dipalopalo tsa Temo (Directorate of Agricultural Statistics), ba Lefapha la Naha la Temo ba bokellang ditaba, ba hlahlobisang dintlha, le ho etsa ditekanyetso tsa semolao.
Haeba Komiti (CEC) e tlohela ho etsa ditekanyetso, na ho ke ke ha eba teng ditekanyetso tsa naha tse etsuwang Karabo mona ke tjhe, hobane mekgatlo e meng e tla etsa ditekanyetso, mme ho ke ke ha hlaka hantle hore ke ditekanyetso tsa mang tse nepahetseng?
Na Komiti e ikemetse ka boyona kapa e laolwa ke ba kentseng letsoho indastering Ho boima hore motho a le mong a ka laola Komiti hobane ho teng ba kentseng letsoho, ba ikemetseng, bao kaofela ha bona ba ikentseng kgokanyana-phiri ho fihlella nnete e le nngwe ya ditaba?
Maikutlo a Grain SA ke afe?
Tekanyetso e ikemetseng, e nepahetseng, e etswang ka nako, ya sejothollo, e a hlokahala mabapi le tshebetso e tswileng matsoho ya mebaraka ya dijothollo.
Balemi, Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo hammoho le ba bang ba kentseng letsoho, ba tshwanetse ho sebetsa mmoho ho fihlella sena.
Ditho tsa Grain SA le balemi ba bang bohle, le bohle ba kenyang letsoho, ba tshwanetse ho kgothaletswa ho nna ba fana kgafetsa le ka dinako tsohle ka ditaba tse nepahetseng.
<fn>PulaImvula. Crop(wheat).2010-12-01.st.txt</fn>
Tlhahiso ya dijothollo ka mokgwa o le mong ho ya ho ile, ho ntse ho hlahiswa sejothollo se le seng, jwalo ka poone kapa koro, ho entse hore dilemong tsa bomashome a tsheletseng le tsa bomashome a supileng ho be teng bolwetse bo manganga bo tswelang pele hammoho le mathata a mahola pooneng, haholoholo haboreng e hlaha ya koro.
Tlhaselo ya habore e hlahang tlhahisong ya koro e bakile taba ya hore ho ke ho inahanwe botjha le ho kena letsholong la ho etsa diteko tse ntjha ka mefuta e meng ya dijothollo, e molemo, e baballang tjhelete.
Soneblomo, jwalo ka sejothollo sa lehlaku le sephara, e bile sejothollo se fapantshwang le koro, e leng sejothollo sa lehlaku la jwang, mabatoweng a mangata, mme ya kgannela ntshetsopeleng ya indasteri e ntjhantjha ya temo Afrika Borwa. Mabatoweng a mangata a tlhahiso Afrika Borwa ho teng dijothollo tse ratwang haholo, tse molemo haholo, tse dumellanang le tlelaemete e leng teng. Ho feta mona, di se di ile tsa lekwa ka nako e telele. Ka dilemo, balemi ba bangata ba se ba lemohile hore phapantsho ya dijothollo masimong a bona e fupere melemo ya nako e telele lehlakoreng la ditjhelete le tshebetsong eo ba kopanang le yona ya letsatsi le letsatsi.
Mabaka a mangata a bohlokwa tabeng ya ho fapanya dijothollo. Phapantsho ya dijothollo e fokotsa mathata a keketseho ya dikokwanyana, malwetse a dikokwanyana mobung, hammoho le malwetse a jarwang ke diphedi (organisms) tse runyang, tse ka hlaselang dijothollo tse jalwang selemo le selemo ho pota, e leng se bitswang diphedi tse kotsi tsa semela.
Dimela tse sa bolokeng diphedi tsena di kenyelletswa phapantshong ya dijothollo hore diphedi tsena di se be le monyetla wa ho dula mobung kapa masalleng a dimela moo di hlaselang dijothollo tse hlahlamang. Bolwetse ba dibokonyana tse ka mekotlaneng, tse fumanwang dinaweng tsa soya bo ka laolwa ka phapantsho e etswang ka poone. Mofuta wa kokwanahloko o leng teng sejothollong o tshwanetse ho tadingwa hore ho tla nka nako e fetang dihla tse pedi pele ho lengwa sejothollo sa mofuta o le mong moo. Mohlala ke ho se jale ditapole masimong a le mang nakong ya lemo tse tharo ka mora sehla sa tlhahiso ho laola eelworm, seboko se ka mekotlaneng, hammoho le tlhaselo tse ding tsa malwetse. Dijothollo tse ding tse kupetsang di ka jalwa ka sepheo sa ho hatella bolwetse bo itseng, bo teng.
Diphuputso di bontshitse hore kgolo ya metso e ka hatellwa moo ho jalwang sejothollo se le seng ho ya ho ile. Mahlaka a koro a kenyelletswang mobung a hatella tswelopele ya metso, haese ha a ka rojwa ka ho phethahala pele ho jalwa sejothollo se seng sa koro dihleng tse hlahlamang. Kgolo e kginnweng ya metso e bolela hore mobu o tla fokollwa ke matla a ho sebedisa menontsha le manyolo a tlatsetso. Bobe ba ho bola ho atileng ha koro le kgarese bo ka fokotswa ka ho jala dijothollo tsa lehlaku le sephara dilemo tse mmalwa.
Diphapantsho tse kenyelletsang tse kang dinawa, tse nang le kamano le mefuta e fapaneng ya dibaktheria tse holang ka hara metso ya dimela, di kgona ho nka nitrojene moyeng le ho e kenya semeleng. Nitrojene ena hamorao e kena mobung nakong eo semela se felang, mme e ka sebediswa ke dijothollo tse ding.
Ho kenyeletswa ha majwang a etsang furu, mefuta ya monawa (legumes), lesere hammoho le metswako ya majwang a monawa saekeleng ya phapantsho ya dijothollo, ho ka thusa ditlhokong tsa dijo tsa mehlape polasing, mme ha thusa hape le ho bopa mobu botjha ka mora dilemo tse ngata tsa ho hlahisa dijothollo. Phokotseho ya kgoholeho ya mobu le tahlehelo ya menontsha ke menyetla e meng ya ho kenyeletsa dijothollo tsa mofuta wa furu phapantshong. Mofuta o jalwang wa dijothollo, kuno ya tsona, bongata ba metso e hlahang, karolo e kotulwang ya dijothollo, hammoho le masalla a dijothollo, kaofela ke dintlha tsa bohlokwa tse amang monono wa mobu le ho bopa le ho eketsa tse bolang (organic matter) mobung.
Tse bolang mobung le humase kapa podiswa tse seng di fetse mobung ka mora dilemo tse 20 tsa ho phetholwa ho le hong ha mobu, ho tloha ho 4% ho ya ka tlasenyana ho 2%, di ka nka lemo tse fetang tse 30 hore di boele di be teng ka ho lema makgulo. Phapantsho ya dilemo tse tsheletseng ya poone, koro, semela se fokolang (clover), hammoho le jwang ba dilemo tse pedi, ho ka qetella ka ho baballa 70% ya mobu o ka hodimo papisong le 44% ya poone e dulang e hlahiswa ho ya ho ile. Le yona phapantsho e bonolo e kang ya poone ho ya dinaweng tsa soya kapa koro ho ya ho soneblomo, e ka ba le tshwaetso e itseng ya keketseho e nyane kunong ya 10%, mme mabatoweng a batlang a omme kuno teng e ka ba 25%.
Ha keketseho e ntse e eba teng ya masalla mobung ka baka la tsamaiso e ntle ya molemi, le tsona diphedi tse nyane (micro organisms) mobung di tla eketseha. Mosebetsi o bonweng ka mahlo o bontshitse hore ho tshwanetse ho be teng bonyane phapantshong mefuta e meraro e fapaneng e le ho phahamisa boleng ba masalla saekeleng ya phapantsho. Nako eo metso e leng matla haholo ka yona e fapana haholo pakeng tsa 32% ya nako ya saekele ya poone phapantshong ho isa ho 57% ya phapantsho ho tloha dinaweng ho ya korong, le ho isa ho 76% ya phapantshong ya dilemo tse tharo tsa dinawa, koro le poone. Ho kenyeletswa ha dinawa phapantshong ke mokgwa o molemo o ntseng o eketseha ho sebediswa mebarakeng ya selehae, moo ditheko tse ntle ka kakaretso di fumanweng dilemong tse hlano tse fetileng.
Dintlha tse boletsweng hodimo mona di toboketsa ditlamorao tsa mokgwa o le mong wa ho lema, o leng kgahlanong le tlhaho, o nang le sekgahla se sebe lehlakoreng la ditjhelete nakong e telele. Molemi ya phehelletseng tekatekano mererong ya hae ya disaekele tsa dijothollo, o tla una melemo e mengata nakong e telele, ho kenyeleditswe phokotseho kotsing ya ho lahlehelwa ke tjhelete. Jwalo ka ha ba bang ba se ba ile ba kopana le mathata, hona ho bakile hore mmarakeng wa temo Afrika Borwa moo ho itshetlehilweng feela ka koro kapa poone, ba bangata ba iphumane ba lahlehetswe ke ditjhelete, ba wele putla!
Jwalo ka tataiso nahana ka mehato ena ya kakaretso ha o sebedisa disaekele tsa phapantsho ya dijothollo masimong a hao.
Latelanya dijothollo tsa dinawa le sejothollo se batlang nitrojene e ngata, se kang poone ka mora dinawa tsa soya.
Jala dijothollo tse sa sebediseng nitrojene e ngata, tse kang habore, kgarese le koro lemong sa bobedi kapa sa borarao ka mora dinawa.
Jala sejothollo se le seng sa selemo nako ya sehla se le seng feela ho fokotsa bothata ba tlhaselo e ka bang teng ya dikokwanyana, malwetse le diboko.
Se ke wa latelanya sejothollo ka mofuta o mong wa semela o ntseng o batla o tshwana, ka ha bothata ba dikokwanyana, bolwetse le diboko hangata bo arolelana pakeng tsa dijothollo tse amanang haholo.
Haeba mathata a ikgethileng a diboko a le teng dijothollong tsa mahlaku a sephara, etsa phapantsho ka dijothollo tsa mofuta wa jwang, tse kang habore le koro nako ya dilemo tse seng kae.
Sebedisa tatelano ya dijothollo tse kgothaletsang dijothollo tse phetseng hantle, mohlala ditapole di hlahlame poone.
Sebedisa disaekele tsa dijothollo tse thusang ho laola mahola. Dijothollo tse nyane di hlodisana ka matla kgahlanong le mahola, mme bongata ba tsona bo sitisa ho mela ha dipeo tsa mahola. Masimo a helwang kapa a sehwang ka motjhine a boetse a thusa hore mahola a se kgone ho hasanya peo ya ona, mme a boetse a thusa ho phetholweng ha mobu.
Fapantsha dijothollo tsa mela e teteaneng, tse kang koro, le dijothollo tse jetsweng tsa mela, tse kang soneblomo.
Ho fapantsha nako ya ho tlohela masimo a sa etswe letho saekeleng ya dijothollo ho tiisa hore ho phetholwa ha mobu masimong, ebang ka mokgwa wa sejwalejwale kapa wa sekgalekgale, ho laola mefuata e fapaneng ya mahola nakong e telele ya saekele ya phapantsho.
Sebedisa nako e teletsana ya dijothollo tsa selemo le selemo dibakeng tse leng motheong (moo ho theohelang) le mebung e hoholehang ha bonolo.
Jala sejothollo sa metso e tebileng, tse kang lesere kapa soneblomo e le karolo ya phapantsho, ka ha dijothollo tsena di kgona ho fihlella mobu o ka tlase ho fumana menontsha le metsi. Diforo tse bakilweng ke metso e shweleng di boetse di kgothaletsa ho monyela ha metsi.
Jala dijothollo tse tla siya masalla a lekaneng, tse kang poone kapa mabele ho thusa hore tse bolang di dule di le teng mobung.
Bokella dihlopha tsa masimo ho ya ka dijothollo tse itseng.
Etsa bonnete hore mekgwa ya ho phethola mobu le ya ho tlohela masimo a sa etswe letho ke e kgothaletsang kgonahalo ya ho tshwara metsi a mangata, e bang ho sebediswa mekgwa ya sejwalejwale ya ho phethola mobu kapa wa sekgalekgale.
Ela hloko ho tseba ka ditlamorao tsa dibolayalehola tse tla sebediswa dijothollong dife kapa dife, tse ka bang le tshwaetso e mpe dijothollong tse tla jalwa hamorao. Taba ena e bohlokwa ka ho fetisisa, ka ha ho se ho bile teng balemi ba bangata ba kopaneng le mathata le ba lahlehetsweng ke ditjhelete, ba bileng le tshenyehelo yohle ya dijothollo hobane ba sa ka ba batlisisa ditlamorao tsa sebolayalehola se sebedisitsweng.
O se ke wa sebedisa phapantsho ya dijothollo tsa malala a laotswe tsa Roundup ka ha ho tla qetella ho le teng keketseho a matla ya dikhemikhale saekeleng. Poone ya Roundup, e latelwang ke dinawa tsa soya tsa Roundup, tse latelwang ke poone ya Roundup, ha se mohato o lokileng. Jala dijothollo tse tla sebedisa dibolayalehola tsa sejwalejwale ho kgina saekele ena. Hona ho tla kgina kgonahalo ya mahola a manganga.
Eba motho ya kgonang ho ikamahanya ha bonolo le dipula tsa selemo tsa lebatowa la hao, mme o be le masimo a lekaneng saekeleng tsa tlhahiso ya dijothollo e le hore o kgone ho ikamahanya le ho fetofetoha ha ditheko. Haeba disaekele tsa tlhahiso ya mariha le lehlabula di sebetsa temong e itseng, ho bonolo ebile ke ntho e potlakisang ditaba hore motho a kgone ho jala sejothollo se seng sesele, se ka kenyang tjhelete. Nako e sallang morao ya ho kena sejothollong se seng e a fokotseha, mme tshebetso e kgona ho fetela mohatong o kenyang tjhelete ha bonolo ntle le mathata.
Etsa tlhophollo e batsi ya tjhelete, eo bonyane e tla kgona ho beha leihlo le ho shebela pele tjhelete e lebelletsweng ho kena, le ditshenyehelo tse tla hlokahala nakong ya dilemo tse tharo. Tshekamelo dinaheng tse ding ke ho etsa moralo wa tjhelete e kenang le e tswang, bonyane ho shebilwe dilemo tse tharo ho isa ho tse hlano. Tse ding tsa dijothollo di ka nna tsa beha ditaba boemong ba tekano kapa tsa baka tahlehelo ya tjhelete, empa ka baka la melemo ya ho kenyeletswa ha dinawa, disaekele tsa dijothollo di sa ntse di ena le kuno nakong e telele.
Hlopholla matsete disebedisweng tsa temo tse tla o thusa ho ema senna le ho hlahisa dijothollo tseo o hopotseng ho di kenyelletsa saekeleng ya hao. Ka nako tse ding ha ho kgonahale ho tsetela, mohlala, diplantereng tsa theko e hodimo haholo, kapa ho kotuleng ho phahameng ka theko, kapa ho hlophiseng le ho hlwekiseng ho hlokahalang mabapi le boikgetho bo itseng ba dijothollo.
Mefuta ya sehlooho ya dijothollo tse ka sebediswang phapantshong kapa tatellanong ya dijothollo mona Afrika Borwa e kenyelletsa poone, koro, dinawa tsa soya, soneblomo, dinawa, mabele, habore, triticale (korog), lesere le dierekisi (cowpeas).
Ho teng ditswakano tse ngata haholo tse kgonahalang tsa dijothollo. Ho itswela feela ho motsamaisi wa polasi ho etsa qeto ka se kgonahalang polasing ya hae. Sebedisa ditataiso tse boletsweng hodimo mona tlasa mehato ya kakaretso ho rala dijothollo le furu e lokelang masimo a hao.
Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho dula o hopola hore mekgwa ya ho phethola mobu ho sa jalwe letho ke ho kgothaletsa paballo ya metsi a mangata mobung ka moo ho kgonahalang. Hona mohlomong ke ntlha e kginang haholo mabatoweng a ommeng a dijothollo. E meng ya mehlalal e bontshwa theiboleng ya 1.
Tlhahiso ya dinawa tsa soya saekeleng e fana ka monyetla wa phapantsho hammoho le tlhahiso e eketsehileng ya poone.
Phuputso phapantshong ya dijothollo le disaekeleng Amerika e bontshitse phaello kapa keketseho tlhahisong. Theibole ya 2 e bontsha papiso kunong ya poone le dinawa tsa soya tlasa tlhahiso e dulang e etswa ya dijothollo, phapantsho ya tsona le tshebediso ya mefuta e fapaneng.
Theibole ya 3 e fana ka setshwantsho sa melemo ya tjhelete e ka fumanwang ka ho sebedisa phapantsho ya poone le dinawa tsa soya nakong ya lemo tse hlano, ka ho sebedisa diporeisi tsa konteraka tsa sehla se hlahlamang, mme ho ntshitswe palohare ya tshenyehelo tsa teranseporoto. Le yona taba ya ho fetola feela mefuta e sebediswang selemo le selemo e bontsha keketseho ya 8% kunong.
Dipalo tse bontshitsweng theiboleng ya 3 di bontsha ka moo phaello e kgonahalang e ka bang ka teng moo ho sebediswang bonyane dijothollo tse pedi feela. Bongata bo sebediswang tshebetsong ya masimo bo thusa motho ho hlahisa hloho lehlakoreng la ditjhelete, haholoholo nakong eo diporeisi di weleng.
Qala ka phapantsho e bonolo ka dijothollo tseo o di tlwaetseng, mme o qale ka phapantsho ya tse pedi ho ya ho tse ngata, mme o kenyelletsa tsa lehlaku le sephara, menawa, tsa mefuta ya majwang, mme o jala dihleng tsa mariha le lehlabula hammoho le dijothollo tsa makgulo morerong wa ho etsa dijo tsa mehlape.
<fn>PulaImvula. CropMaize.2009-04.st.txt</fn>
Afrika Borwa ke naha eo 90% ya mobu wa yona o nkuwang e le o ommeng kapa o ommeng halofo. Temo e etswa ka ntle moo ho bulehileng, hape moo ho nosetsa ho kgonahalang, moo tlhahiso e itshetlehileng ka maemo a lehodimo - pula, kganya ya letsatsi, serame, lehlwa, sefako le meya. Ke taba ya bohlokwa hore molemi e mong le e mong a ele hloko tlelaemete le dikotsi tse ding tse ka behang tlhahiso ya hae ka mosing.
Ka moo bokgoni ba mehlodi ya tlhahiso bo shejwang ka teng.
Fokotsa kgonahalo ya diketsahalo tse ka bang mpe. Monyetla wa sephetho se sebe o ka fokotswa ka ho kgetha mefuta ya peo e fetang o le mong, ya sejothollo, ho atolosa tlhahiso ho ya ka ho phatlalla ha naha le ho beha poreisi ya sejothollo.
Ho fetisetsa kotsi pele ka ho nka inshorense le ho fetisetsa pele konteraka.
Ho fokotsa kotsi ka ho fokotsa sekgahla ha eba maemo a mabe a fela a eba teng.
Mokgwa wa inshorense jwalo ka ho abelana dikotsi ke ho amohela ditefello tsa kgwedi le kgwedi tse loketseng ho tswa palong e hodimo ya bareki, e leng se thusang khamphani ho etsa tsoho la monna ke mokola (tiya kgahlanong le dikotsi). Khamphani ya inshorense e tla sebedisa tsebo e fumanweng mabapi le bongata ba makgetlo le sekgahla sa dikopo tse etswang, e le ho beha ditefello tsa kgwedi le kgwedi mehatong e tla dumella khamphani ho lefa dikopo ho ya ka palohare ya ditefello tsa kgwedi le kgwedi tse bokellwang, le ho siya bonyane bo itseng ka thoko mabapi le ditshenyehelo tsa tshebetso le phaello. Ka bokgutshwanyane, khamphani e nka ditefello tsa kgwedi tsa bareki kaofela e le hore e kgone ho lefa ditshenyehelo tse ka bang teng tulong e itseng.
Le ha ho le jwalo, inshorense hangata e molemo ho balemi ba shebaneng le dikotsi tse kgolo, le teng mabapi le dikotsi tse lekaneng hore di ka hloka tefello ya kgwedi le kgwedi e lekanang le, kapa eo ka ho totobala e fetang tahlehelo e lebelletsweng moo ho se nang inshorense. Dikotsi tse nyane tse ka nnang tsa jarwa hangata ha di tlasa inshorense jwalo ka tse kgolo tse ka behang boteng ba polasi kotsing kapa bona beng ba yona. Inshorense e kena maemong a tjena he. Dihlahiswa ka bobatsi ba tsona le ka ho fapana ha tsona di teng ho tlisa tshireletso dikotsing tse fapaneng tseo ho kopanwang le tsona temong ka kakaretso.
Ditahlehelo tsa dijothollo tse bang teng ka baka la tshenyo e otlolohileng le e bonahalang dikarolong tsa semela kapa semela kaofela ha sona, di bakwa ke sefako. Ditahlehelo tse akaretswang di kenyeletsa dipeo/karolwana tse ka hare tse welang ka ntle, dintlha tse holang tsa dimela di a senngwa, mahlaku a senngwang ke ho hlohloreha kapa ke ho kgaoha ha karolo tsa ona kapa ho kgaoha ka ho phethahala, hammoho le tshenyo ya sefako dikutung tse kokomohileng, tse kobilweng kapa tse kgaotsweng. Inshorense mabapi le sefako ka ho qolleha e bohlokwa tlhahisong ya koro hammoho le soneblomong haholoholo maemong a simollang a kgolo ya yona.
Tshenyo e tshwanang le ya sefako, jwalo ka dipeo/karolwana tse ka hare tse lahlelwang ka ntle, le mahlaku le dikutu tse kgaohang, di a tshireletswa. Jwalo ka tekolong ya tshenyo e bakwang ke sefako, tshenyo e bonahalang kapa e bakwang ke moya dikarolong tsa semela kapa dikarolong tsohle tsa semela, le yona e tshireletswa ke inshorense.
Tshenyo e hlahelang dihlahiswa ka baka la mollo nakong eo di tsamaiswang ka mora kotulo ho tloha masimong a inshorilweng, ho thulana le ho phethoha ha makoloi. Tsena tsohle di tlasa tshireletso ya inshorense. Tshireletso, le ha ho le jwalo, e fella feela sedikadikweng sa dikilometara tse 100 ho tloha moo dihlahiswa di tlohang teng.
Ke feela dijothollo tse itseng, tse kang koro le morara, tse leng tlasa tshireletso kgahlanong le tahlehelo kotulong ka baka la pula e ngata haholo nakong ya mehato ya ho butswa popehong ya dijothollo tsena.
Tshenyo dijothollong tse itseng ka baka la mollo o sa laoleheng e tlasa tshireletso. Motho ya tshireletswang ke inshorense o tlamehile hore a be a latetse melao ya naha mabapi le dibaka tseo ho tlositsweng jwang ho tsona ka sepheo sa ho thibela ho tjha (firebreaks).
Tahlehelo tse bang teng ka baka la serame (tshenyo ya serame), ho kenyeleditswe bofokodi ba tsamaiso ya pholene nakong eo dipalesa (stamens), mahlaku, dikutu le mahlaku di bolawang ke serame, di tlasa tshireletso. Sekgahla se qetellang se le teng kunong ya sejothollo se lekolwa ka tlhahlobo e bonahalang ya dikarolo tsa semela. Tshenyo e sa bonahaleng, jwalo ka kgolo e diehileng ka baka la serame, yona ha e a tshireletswa.
Sehlopha sa dikotsi tseo ka mehla di sa bonahaleng le ho ka lekanngwa, se kgobokanngwa tlasa tshireletso ena. Dikotsi tse akaretswang di kenyeletsa komello, ntle le dijothollo tse nosetswang ka metjhine, dikokwanyana tse sa laoleheng, sefako, moya, serame, jj. Ka mantswe a mang, ka tshireletso ya mofuta ona, molemi o tshireleditswe kgahlanong le tse sa laoleheng tsa tlhaho.
Nka fumana thuso hokae?
Boholo ba dibanka tsa kgwebo hammoho le bahwebi ho tsa temo (agribusiness) ke baemedi ba inshorense ya dijothollo - fumana keletso mothong eo o mo tsebang, o mo tshepang. NNETEFATSA HORE O BALA MONGOLO O MOSESANYANE KONTERAKENG E LE HORE HOSANE O SE KE WA LLELA METSOTSO.
<fn>PulaImvula. Cultivar.2008-03.st.txt</fn>
Kgetho ya mofuta wa peo ke qeto ya bohlokwa tlhahisong, mme ha beba e rerilwe ka nepo, e ka phehisa phokotsehong ya ho beha kuno kotsing le ho phahamisa boemo ba yona. Nakong ya jwale, mefuta e mengata ya peo e a fumaneha, e leng e fapanenang ka bokgoni ba ho ikamahanya le maemo, bokgoni ba ho hlahisa kuno, matshwao a amanang le mobu hammoho le kamano ya yona le malwetse.
Ho bohlokwa hore molemi ho tseba botle le bofokodi ba mofuta ka mong wa peo.
Jala mefuta e seng mekae e fapaneng ya peo e le ho atolosa kotsi (risk) ya komello le bolwetse.
Nakong ya sehla se le seng, o se ke wa kenya peo e nngwe e ntjha bakeng sa e seng e lekilwe le ho behwa tekong - empa o ka mpa wa jala sebakeng se senyane mofuta o motjha wa peo pela mofuta o tsejwang, e le ho ka tseba matla le bofokodi ba mofuta ona tikolohong e ikgethileng ya hao.
Kgetha mofuta wa peo o loketseng maemo a ikgethileng a hao - maemo a hao, ha a tshwane le a e mong, mme ka hoo, o tshwanetse ho iphumanela se o lokelang hantle ka ho fetisisa.
Bokgoni ba kuno: Ho bohlokwa tlasa maemo a komello hore mohlahisi a tsebe bokgoni ba kuno (hopola hore ho yena sena se laolwa ke bokgoni ba hao ba tsamaiso, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, botebo bo hlileng bo fihlellwang, pula, matsatsi a lebelletsweng a serame, mohato wa motjheso le dinako tsa komello). Mefuta e itseng ya peo e sebetsa hantle tlasa maemo a phahameng a kuno, ha e meng yona e sebetsa hantle tlasa maemo a tlase a kuno.
Tlhophiso (grading) le boleng: Ho kereitwa ha dijothollo tse kotutsweng ho na le tshwaetso poreising eo molemi a tlang ho e fumana. Kereiti e laolwa ke mothamo wa protheine wa sejothollo, bongata ba hectolithara hammoho le ho theoha ha dipalo. Tsena kaofela ke dintlha tse sethekgenike tse nang le sekgahla bolenng ba ho silwa le ho bakweng ha koro. Hopola hore dithemphereitjhara tse tswileng taolong le pula e nelang dijothollo tse butswang di tla tshwaetsa boima (hectolitre mass), mme ka hoo, le yona poreisi - ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke mefuta efe eo dikereiti tsa yona di sa fetoheng tlasa maemo ana a boima.
Poreisi ya peo: Ditjeo tsa ho hlahisa dijothollo di phahame. Moo bokgoni ba kuno bo leng tlase, e ke ke ya eba bohlale ho jala peo e phahameng haholo ka theko.
Matla a lehlaka: Ntlha ena ka ho qolleha e bohlokwa moo bokgoni ba kuno bo phahameng, mme moo maemo a leng tlasa nosetso (metsi). Sejothollo se ka hola ka sekgahla se seholo, mme sa hlahisa ditsebe tse kgolo, tse boima - nakong tsa meya e mangata le dipula tse ngata, semela se ka nna sa kgangwa ke metsi, sa wa, mme sena se ka qetella ka tahlehelo tse phashameng nakong ya kotulo.
Boemo ba ho mamella aluminiamo: Mehato e phahameng ya aluminiamo e amana le pH e tlase ya mobu. Ho teng mefuta e itseng ya dipeo e batlang e ena le mamello maemong ana. Tharollo ya nako e telele ke ho lokisa pH ya mobu ka ho sebedisa lenaneo la kalaka, empa mabapi le nako e kgutshwane, sebedisa mofuta wa peo e mamellang haholo mehato e tlase ho e lebelletsweng ya aluminiamo.
Sehla sa ho hola: Pula, dithemphereitjhara, matsatsi a serame sa pele le sa ho qetela, jwalojwalo, kaofela ke dintlha tse tlamehileng ho elwa hloko ha ho kgethwa mofuta o loketseng wa peo. Tseba sebaka seo o leng ho sona, o etse bonnete hore o kgethile mofuta wa peo o nang le bokgoni bo botle ka ho fetisisa mabapi le maemo a hao.
Jwalo ka molemi, ho lema koro Foreisetata e ka Botjhabela, o karolo ya setjhaba se seholo seo nakong e fetileng esale se ntse se etsa sena dilemong tse mashome tse fetileng. Balemi ba bahwebi, bao e leng baahisani ba hao, ba tshwanetse hore ebe kgale ba etsa dintho tse ngata, tse nepahetseng, hore ebe ba ntse ba le kgwebong ena - leka pele ho botsa seo e leng tlwaelo lebatoweng leo o leng ho lona pele o hlaha ka ntho e nngwe e ntjha. Hangata ho teng mabaka a utlwahalang haholo ao balemi ba etsang dintho ka baka la ona dibakeng tseo ba leng ho tsona. Ha o se o entse jwalo, o lekile mekgwa yohle, o behile dintho tekong, e tla be e le hona o ka simollang ho nahana ka mekgwa e metjha.
<fn>PulaImvula. Cultivation(maize).2011-09-27.st.txt</fn>
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi ya beileng meja fatshe
Ho fumanwe pula e pakeng tsa 600 mm le 2 000 mm mabatoweng a hlahisang poone ya lehlabula, mme ka nako tse ding pula e pakeng tsa 50 mm le 75 mm e ile ya fumanwa ka letsatsi le letsatsi e le ya maru a matsho. Boima bona bo boholo ba metsi hekthara ka nngwe bo fumanwang nakong e kgutshwane bo ka nna ba baka mobu o teteaneng, o kopaneng haholo.
Boima bo bong ba tlatsetso, e leng ba motjhine o kotulang, diterekere le ditereilara tse kgolo le mehato ya mabidi a dithaere nakong ya kotulo mobung o teteaneng, e leng maemo a bileng teng selemong sena, ke dintho tse ka etsang hore mobu o teteane le ho feta ka moo re tlwaetseng ka teng.
Dikgomo tse jang masalla a dijothollo masimong le tsona di hatella le ho teteanya mobu haholoholo nakong ya maemo a metsi haholo ha masimo a kganngwe ke metsi. Maemo a sa tlwaelehang moo masimo a sesang ka hara metsi, ho tabola (ripping) mobu ke yona feela pheko e ka thusang hang feela pele ho jalwa kapa nakong ya ho jala. Hona ho ka thusa hore motho a kgone ho jala ka nako.
Mariha a batang haholo le pula e batang haholo dibakeng tse itseng ke tsona tse kentseng letsoho, mme tsa baka hore mebu e sesang ka hara metsi e nke nako e telele ho oma. Bohlale ke ho lekola boemo ba mobu masimong moo ho ilo jalwa poone, le ho sebedisa disebediswa tse loketseng tsa thaene (tyne), tse ka thusang ho nolofatsa mobu o tlasa makgapetla a thata, a teteaneng. Mosebetsi ona wa bohlokwa o tla thusa hore moya o kgone ho kenella mobung. Dibaktheria le di-microbes (diphedi tse nyane) di kgona ho phela feela maemong a nang le moya, e leng karolong e ka hodimo ya mobu, ya botebo ba 150 mm ho isa ho 180 mm.
Ha re bua ka moya mobung re lekanya boteng ba moya o kenyeletsang okesijene, nitrojene le carbon dioxide mobung o lokolohileng o kopaneng le metsi. Ho sebedisa thaene ho hlokolosi haholo hobane dibaktheria di tsoha morolo, mme di roba masalla a dijothollo tsa lemo se fetileng pele ho jalwa sejothollo se setjha. Tshebetso ena ya dibaktheria e simolla nakong eo dithemphereitjhara tsa mobu di simollang ho phahama, mme ho futhumala, e leng bekeng ya ho qetela ya Phato, Loetse le ho ya kena ho Mphalane.
Ho kgothaletswa haholo mosebetsi wa thaene le wa ho tabola mobu (ka ripper) o etswe kapele ka moo ho kgonahalang ka teng ha mobu o se o fihlelletse mothamo o hlokahalang wa mongobo. Mosebetsi o etswang ka hodima mothamo o hlokahalang wa masimo hangata o tla baka keketseho ya ho teteana ho ena le phokotseho ya hona. Molemi o tla tshwanela ho sebedisa disebediswa tsa hae hore di nepane le maemo a ikgethileng a mosebetsi wa hae haeba a latela mekgwa ya ho phetholwa ho honyane ha mobu (minimum tillage).
Tlhokomelo ya diplantere le ho beha disebediswa boemong bo lokelang mosebetsi o etswang, ke dintho tse lokelang ho phethwa maqalong a Mphalane.
<fn>PulaImvula. Demand.2007-11.st.txt</fn>
Grabber: Mabapi le Afrika, ntshetsopele ya lefatshe ya bio-fuel e bopa menyetla e tiisang bohlokwa ba merero ya ntshetsopele ikonoming. Bahwebi nakong e tlang ba ka nna ba kena mesebetsing ena, mme ka hoo, ba phahamisa maemo a bophelo a batho ha nako e ntse e eja babedi.
Intro: Ha eba dinaha tse ka leboya ho lefatshe di hlile di eme di tiile tabeng ya ho kenngwa ha bio-fuels, di tshwanetse ho beha maikutlo a tsona ntshetsopeleng ya menyetla ena dikarolong tse ka borwa tsa lefatshe. Ho feta mona, ho lebelletswe hore tlhoko ya lefatshe ya dijothollo le dipeo tseo oli e fumanwang ho tsona (oilseeds) e tla menahana habedi nakong ya dilemo tse 20 ho isa ho tse 30 tse tlang.
Hore ho fihlellwe phepo ya diphoofolo le tlhoko ya mafura (fuel) nakong e tlang, Yuropo e tshwanetse ho nahana ka bokgoni ba tlhaho bo leng teng lebatoweng la Afrika, la Sub-Sahara. Boteng ba mehlodi ya tlhaho bo tla fana ka bokgoni dinaheng tsa Afrika mabapi le ho hlahisa dijo tsa diphoofolo ka ditjeo tse tlase yunite ka nngwe. Menyetla ena ya ditjeo e kgonahala feela ka baka la maemo a matle a tlelaemete le a mobu, haholoholo dinaheng tse kang Angola, Mozambique le Zambia. Le ha ho le jwalo, metjha ya mmaraka o lokolohileng e tshwanetse ho hlomphuwa ke dinaha tsa Sub-Sahara ha di kena ditabeng tsa matsete, mohlala, ka ho hlompha ditokelo tsa thepa kapa maruo.
E le ho phahamisa tshebetso ya ikonomi, le ho laola mehlodi hore e ntshetse pele ikonomi, re tlamehile hore re kgone ho fapanyetsana ka mehlodi mabapi le ho fihlella tshebetso e hlwahlwa ya ikonomi. Ke feela ha re ka fihlella seo, re ka kgonang ho kenya bokgoni bo hlokahalang ikonoming ya mabatowa a Sub-Sahara. Afrika Borwa ke naha e itlhommeng pele dinaheng tsa Sub-Sahara, moo metjha ya mmaraka e lokolohileng e hlomphuwang. Sub-Sahara e hloka Afrika Borwa hore e kgone ho bontsha lefatshe kaofela hore re kgona ho tshehetsa tikoloho e tsitsitseng le matsete a matle, e leng tse kgannelang ntshetsopeleng ya ikonomi. Ha eba Afrika Borwa e hloleha ho kgodisa dinaha tse ka leboya lefatsheng mabapi le bokgoni ba ho ntshetsa pele metheo ya sehlooho (infrastructure) hammoho le mafolofolo a tswalwang ke mehlodi ya rona, re tla sitisa dinaha tse ding tsa Sub-Sahara hore di fihlelle molemo wa ntshetsopele tsa hajwale tsa bio-fuel.
Mabapi le Arika, ntshetsopele tsa bio-fuel lefatsheng lohle di bopa menyetla e tiisang ruri ho hahamallwa ha ntshetsopele ya ikonomi. Nakong e tlang, bahwebi ba ka nna ba kena tshebetsong tsena tsa ikonomi, mme ka hoo, ba phahamisa le ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ha nako e ntse e tsamaya. Eseng feela ho kena kgwebong ka sepheo sa ho fumana dijo, kapa ho itlhahisetsa dijo tseo ba di sebedisang, empa ho ba le tjhelete ya tlatsetso eo ba ka e sebedisang mabapi le dintho tsa bona tsa monyaka.
Hobaneng ha re dumella monyetla ona o bohlokwa hakana wa ntshetsopele hore o fete feela Afrika Borwa e na le boikarabelo mabapi le ntshetsopele ya Afrika yohle. Ka ho tshehetsa ntshetsopele ya indasteri ya bio-fuel Afrika Borwa, re tla be re matlafatsa tshireletso le paballo ya dijo. Bahlahisi ba Afrika Borwa ba hlahisitse bokgoni hammoho le dihlahiswa tse fetang tekano, empa ba hloka mmaraka wa dihlahiswa tsa bona. Ntshetsopele ya indasteri ya bio-fuel e ka nna ya tshehetsa ntshetsopele ya mmaraka o hlileng o leng moholo wa dihlahiswa. Tshebetsong ena, re tla be re bopa tsebo e hlokolotsi ya ho romella ka ntle dihlahiswa ho Afrika yohle. Ditjeo tsa ho hlahisa indasteri ke tse ntseng di eketseha lefatsheng lohle, mme ka baka leo, tlhoko ya tikoloho e kenyeletsang thahasello ya diprojeke tsa ntshetsopele ya bio-fuel, e fihlile. Ka hoo, naha ya rona e hloka ponelopele e hlakileng ya bokamoso le nnetefatso ya mehato e nepahetseng, e tshwanetseng ho latelwa?
Ho la Amerika, tshusumetso e matla ntshetsopeleng ya bio-fuel tshimolohong, e bile bothata ba mapolasing (tlhahiso e fetang tekano) hammoho le ho nkelwa sebaka ha MTBE ke bio-ethanol. Se susumetsang ntshetsopele ya bio-fuel Afrika Borwa ke eng Na ke taba e amanang le tikoloho kapa monyetla wa ho ntshetsa pele ikonomi tsa rona tsa mahaeng Ho ya ka ditjeo tsa ntseng di phahama tsa dijo - re motjheng wa ho bona phetoho e kgolo ya popeho, eo re sa tshwanelang ho e nka ka phoso hore ke infoleishene e tlotseng meedi. Ka bomadimabe, sena se etsahala nakong eo maqheka a rona ka bio-fuel a hlokang tumello ya ho tjhaelwa monwana ke mmuso, ha re iphumana re le haufi le dikgetho. Ka baka lena, re kopana le maemo a tsieleho hara ba etsang melao mabapi le se lokelang ho latelwa mabapi le ntshetsopele ya bio-fuel Sub-Sahara ya Afrika. Ho bohlokwa, le ha ho le jwalo, ho shebela dintho nakong e telele, e tlang, mabapi le dikotsi tse shebaneng le ntshetsopele tsena le hore re se susumetswe ke ditaba tse ka tadingwang di re beha ka mosing nakong e kgutshwane feela?
Grain SA e sheba ntshetsopele ya bio-fuel e le monyetla wa mmuso wa ho bopa maemo a matle a matsete, le ho ema morao ho bona ka moo tikoloho ya mmaraka o lokolohileng e ntshetsang pele ka teng indasteri ena ka bolokolohi ntle le tshitiso ya letho, e kang taba ya laesense, melawana hammoho le dikgothaletso tse mabapi le tshebediso ya dijo tsa diphoofolo.
Ho ya ka ntshetsopele ya dimela, re tshwanetse ho ela hloko hore monyetla ona o se ke wa shebana feela le tswekere e le mohlodi wa dijo tsa diphoofolo, kapa hona maemo Afrika Borwa a bapiswe le a dinaha tse ding tsa mabatowa a ka leboya, ntle le hore taba ena a hlaloswe hantle. Dimmaraka tse ngata tsa bio-ethanol di fumanwa haufi le dibaka tse hlahisang poone le mabele, e leng tse ka leboya tsa naha ya rona, hammoho le mabatowa a dipula tsa mariha, moo dijothollo tse kang koro ya boemo bo tlase le harese (barley), di tla kgona ho tshehetsa ntshetsopele ya bio-fuel ka tlhahiso ya dijo tse nepahetseng tsa diphoofolo.
Ka bokgutshwanyane, hore re kgone ho thiba sekgeo tlhokong ya phano ya dijo tsa diphoofolo, re hloka tse ka re fang tjheseho e lekaneng ho fana ka kuno e ntle ho ba amehang. Ha eba ho kgonahala hore bio-fuel di ntshetswe pele ka bolokolohi maemong a kginnweng a tikoloho, re dumela hore phano tlhahisong ya bio-fuel e tla hle e kgothaletse tlhahiso ho tsa temo, mme ka hoo, e fedise phokotseho tlhahisong ya dijothollo le dipeo tsa oli. Seo re ka mpang ra se etsa ke ho matlafatsa menyetla ya ntshetsopele temong, e leng se molemong wa baahi ba mahaeng.
Lefatshe le tshwanetse ho ela hloko hore Afrika Borwa e na le bokgoni ba ho tshehetsa ntshetsopele ya bio-fuel Sub-Sahara ya Afrika, eseng feela ka ho tshehetsa maano a rona a ASGISA, empa le ona a NEPAD ha re fuputsa bokamoso bo botle ba meloko e tlang.
<fn>PulaImvula. Difference(maize).2011-02-08.st.txt</fn>
Poone e tshweu le e tshehla - phapang ke efe?
Ka tlhaho le ka popeho poone e tshweu e tshwana haholo le e tshehla, le hoja phapang e le teng ha e shejwa ka mahlo ka baka la bosiyo ba tse fanang ka mmala, e leng ole ya carotene karolong e hare ya thootse ya poone, e leng e fanang ka mmala o mosehla pooneng. Maemo a tlhahiso le a temo wona a ntse a itshwanela feela.
Poone e tshweu ke sehlahiswa seo bohlokwa ba sona bo leng tlase haholo lefatsheng le tswetseng pele. Mohlala, mane United States, e leng moo ho hlahiswang poone e ngata ka ho fetisisa lefatsheng, ho lengwa ha poone e tshweu ho ka tlase ho peresente e le nngwe tlhahisong ya poone yohle ya selehae, eo haholoholo e hlahiswang tlasa mekgwa ya temo ya konteraka ka baka la ho fokola ha mmaraka ka kakaretso.
Ho fihlela morao tjena, ho nnile ha eba teng kgopolo ya sekgalekgale ya hore poone e tshehla e loketse feela diphoofolo, eseng batho. Ena e bile taba e nnileng ya ba le tshwaetso e kgolo tlhahisong ya mefuta ya poone le mekgweng ya mebaraka ya poone. Poone e tshehla le phofo e tshehla ho ne ho nkuwa hore di na le molemo o monyane kapa ho hang ha di hloke ho sebediswa ke batho, mme ka hoo ha di a ka tsa fumaneha habonolo. Bosiyo ba poone e tshehla le phofo e tshehla bo entse hore ditjeo tsa dijo di phahame, ka ha mebarakeng ya lefatshe poreisi ya poone e tshehla e bile tlase ho feta ya e tshweu. Mmaraka wa lefatshe wa poone e tshehla o namme haholo, mme o tsitsitse haholo ho feta mmaraka wa poone e tshweu. Hona ho etsa hore e be mohlodi o tshepahalang haholo wa phepelo, haholoholo nakong tsa komello.
Na o kile wa leka ho ja phofo ya poone e tshehla Ke taba e makatsang ho lemoha hore re nnile ra ba le kgopolo e fosahetseng mabapi le tshebediso ya poone e tshehla. Ho a makatsa ruri, hobane mona Afrika Borwa kajeno, re hlahisa poone e ngata haholo e tshweu le e nyane haholo e tshehla - mohlomong re tshwanetse ho bula dikelello tsa rona, re ke re shebe poone e tshehla, hore ha re ka fellwa ke poone e tshweu re tsebe ho ja poone e tshehla?
<fn>PulaImvula. Economy(maize).2011-09-27.st.txt</fn>
Grabber: Na molemi o phethola mobu ka mehla empa a sa jale Na o dula a ntse a haraka mobu empa a sa jale letho Na qetellong ha a jale mefuta ya hae e mengata ya dijothollo, o mong le o mong karolwaneng ya ona ya masimo O tseba hantle seo a tshwanetseng ho se etsa hobane Modimo o entse hore a bone le ho utlwisisa Morena ya Matla ohle ke mosuwe ya makatsang, ya fang molemi bohlale. Esaia 28 temana ya 23 ho isa ho 29?
Temo e bile mosebetsi wa pele lefatsheng, mme e bile taelo e tswang ho Modimo. E bohlokwa bophelong. Ka hoo, ho bohlokwa hore rona balemi re shebe mosebetsi wa rona e le wa bohlokwa haholo, o hlokahalang.
Ha re a tshwanela ho tsepamisa maikutlo feela tabeng ya ho etsa tjhelete le ho eketsa tlhahiso, empa re ka mpa ra tsepamisa maikutlo tabeng ya ho hlahisa dijothollo tsa boleng le dijo tse tla nontsha bophelo le bophelo bo botle bo hlokwang ke batho ba bang.
Balemi ba kenya letsoho jwang ikonoming?
Ba kenya letsoho haholo ikonoming le ditekanyetsong tsa naha.
Balemi hammoho ke beng ba mosebetsi ba hlahileng ka mahetla naheng ya rona maemong ana a phahameng a ho hloka mosebetsi.
Balemi ba hlahisa dijo tsa boleng bo phahameng le tse loketseng mmele ya rona, mme ba kenya letsoho tshireletsong ya dijo tsa naha.
Balemi naheng yohle ba etsa matsete a totobetseng ditjhabeng tsa selehae, mme ba bohlokwa ho tsosa morolo wa ikonomi ya metse ya bona le ya setjhaba.
Jwalo ka bahlokomedi ba naha, balemi ba sebetsa ka thata ho tshireletsa mobu, moya, metsi le batho le diphoofolo ho tiisa hore mobu o tla kgona ho hlahisa dijo tsa meloko e tlang.
Molemi o a ikgona, o a hlahisa, o ikemetse, o sebetsa ka thata, o shebile setjhaba, mme o na le boikarabelo. Molemi o hlahisa poone, soneblomo le tswekere, e leng tse tswang kganyeng ya letsatsi!
Ka bomadimabe, balemi, jwalo ka dikgwebo tse ding tse ngata, ba hloriswa ke maemo a putlameng a ikonomi moruong.
Ka ditjeo tse ntseng di phahama ho ya ho ile, le ditheko tsa dihlahiswa tsa bona tsa temo tse ntseng di theoha jwale, balemi ba bangata le barui ba mehlape ba tla shebana le boima kapa ba tla hloleha ho hang ho lefa ditefello tsa bona tsa kadimo ya tjhelete tse behetsweng dinako tse itseng tsa tefello.
Ka nako e le nngwe, tumello ya nako e telele ya ho nka dintho sekoloto seo ba ka kgonang ho se lefa, e lerootho, mme hona ho beha kgwebo ya molemi ka mosing.
Nnete e babang ke ya hore balemi, hore ba kgone ho tswela pele, ba qobelleha ho kadima tjhelete - ho lefella peo le ho fepa mehlape hammoho le dikenngwamobung tse ding hore lethonyana le be teng masimong.
Empa ka baka la ho hloka botsitso dithekong tsa mebaraka mabapi le dihlahiswa tsa bona le dikotsi tse amanang le maemo a lehodimo, tshireletso ya ho tsetelwa ha mathomong, ha se ntho e ka tiiswang. Ba adimanang ka ditjhelete le bona ba se ba hlokometse dintho haholo hoo tjhelete e seng e sa tswe ha bonolo matsohong a bona. Ke boo bothata!
Qetellong re tlamehile ho tswela pele ka ho kopa mmuso wa jwale hore o thuse balemi ka dikadimo tse ntle, tse hlophisitsweng hantle, tse baballehileng, tsa ditjehelete mabapi le tlhahiso.
Ditheko tse seng ntle tsa mebaraka tsa dijothollo tse hlahiswang hammoho le ditjeo tsa tlhahiso tse ntseng di phahama ho kenyeleditswe le manyolo, peo, dijo tsa mehlape le dikenngwamobung tse ding, di tla tswela pele ho beha molemi ka mosing lehlakoreng la ditjhelete ka ha ba se na matla a letho taolong ya tlhoko le phepelo ya dihlahiswa tsa bona. Ha ditheko tsa mmaraka tsa tlhahiso ya molemi di theoha, hona ho bonahala dithekong tsa dijo dirakeng tsa mabenkele - hona ho tlisa pelaelo yah ore bareki ba dijothollo hammoho le ba bang ba una molemi ka matsoho a balemi le bareki.
Afrika Borwa e tla ameha jwang?
Ha balemi ba lahlehelwa ke kgwebo ya bona le malapa a bona, mme balemi ba batjha ba sitwa ho kena indastering ena, hona ho tla ama Maafrika Borwa. Balemi ke mokokotlo wa setjhaba, ke mohato wa pele wa ho nyoloha thaba ena ya ikonomi. Ha mapolasi a hloleha, dikgebo tse kgolo tsa metse ya rona le tsona di tla hloleha. Phapang ya sena e sa ntse e le nnete - ha mapolasi a tswela pele, dikgwebo tse kgolo tsa metse ya rona le tsona di tla tswela pele, mme le batho ba selehae bat la tswela pele.
Balemi ba bopa leruo la nnete, ba hlahisa boleng ba sebele, sehlahiswa se hlahang peong le kganyeng ya letsatsi se re matlafatsa mmeleng le ikonoming. Ka ho tshehetsa malapa a fapaneng ka mokgwa o phatlaletseng, temo e hlokahala haholo ho fana ka botsitso le matla naheng ya rona. Ha re lahlehelwa le ke molemi a le mong feela kappa re thatafaletsa molemi e motjha ho kena indastering ena le ho fumana mobu, eba re beha tikoloho ya rona, tshireletso ya rona ya dijo le ikonomi ya rona ya selehae kotsing.
<fn>PulaImvula. EducationMaize.2009-07.st.txt</fn>
Ba bang ba balemi ba atlehileng ka ho fetisisa ba na le thuto e nyane - empa ba na le boiphihlelo bo bongata, mme ba rata seo ba se etsang. Bolemi ke bophelo ba bona.
Bolemi ke bonono, ke saense, mme ke tsela ya ho phela. Bolemi bo kenyelleditse tumelo - ha se hangata o nang le taolo, ka ha bolemi bo etswa kantle moo motho a leng mohaung wa maemo a lehodimo.
Saense ya bolemi e tswetse pele haholo, mme e rarahane haholo - ho tsejwa haholo ka ntlha e nyane ka ho fetisisa ya bolemi. Seo o tshwanetseng ho se etsa ke ho fumana thuso le keletso ho batho bana ba rutehileng haholo - o molemi ya keneng tshebetsong. Mohlala, ho etsa tlhophollo ya disampole tsa mobu ke mosebetsi o sethekgenike haholo. Ha o a tlameha ho kgona ho etsa tlhophollo ka bowena - seo o tshwanetseng ho se etsa ke ho nka disampole nako le nako, ho fumana tlhophollo le ho nka keletso ya rasaense ya tshepahalang. Eba he o sebedisa lenaneo le kgothalleditsweng la manyolo dijothollong tsa hao. Etsa bonnete hore o fumana keletso ya sebele, mme o a e sebedisa - le ha ho le jwalo, ke leihlo la hao le boiphihlelo ba hao tse tla tlisa katleho dijothollong tsa hao.
Sebedisa monyetla o mong le o mong o ka bang teng ho fumana kwetliso bathong ba nang le tsebo le boiphihlelo temong. Ruri o sitwa ho ithuta ka temo bukeng. Ka hoo, etsa bonnete hore o kwetliswa ke motho ya hlileng a tsebang ditaba tsa hae. Ha o rala lenane la hore wena o mang, kenyelletsa dintlha tse theiboleng e tlase mona, empa o se tshwenyehe ka mangolo a hao a thuto - sena ha se tsohle, mme ha se qetello ya tsohle mabapi le katleho ya hao.
<fn>PulaImvula. EstablishingMaize.2009-05.st.txt</fn>
Hang ha o simolla ka bolemi, o se o le kgwebong, mme o tshwanetse ho ba le lenane la matsete a hao. Ka nako e itseng o tla rata ho kopana le ba mokgatlo o adimisanang ka ditjhelete mabapi le ho thuswa ka tjhelete. Bao ba tla tshwanela ho batla ho tseba haholo ka wena le ka kgwebo ya hao.
Tlase mona ho teng ditheibole tseo o tshwanetseng ho ba le tsona (hammoho le kopi ya hao ya tokomane ya boitsebiso hammoho le ya molekane wa hao).
Ditaba tsena di bohlokwa. Ka mehla fana ka dintlha hohle moo o yang, moo molemi a hlahetseng teng, a holela teng le hore ho tlile jwang hore a kgahlwe ke bolemi, a qetelle o kene ka setotswana ho bona.
Ntlha ena e bohlokwa mabapi le dithuto tseo o tla kena ho tsona hore o rutwe ka puo eo o e utlwisisang.
Hopola hore jwalo ka molemi o tshwanela ho tsepamisa kelello boleming letsatsi le letsatsi. Ha eba o fela o ikemiseditse ka bolemi, o tlamehile ho ba masimong a hao ka mehla. Ba re, "Mahlo a monga masimo a nontsha sebata", hape "manyolo a matle ka ho fetisisa ke menyabuketso ya molemi masimong". Bolemi bo sebetsana le dintho tse phelang, mme di hloka ho elwa hloko ka mehla.
Na o dula polasing?
Ho seng jwalo, o bohole bo bokae le polasi?
<fn>PulaImvula. FactorsMaize.2009-01.st.txt</fn>
Phuputso e entsweng ke Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le hlwaile le ho sibolla ntlha tse fapaneng tse thatafalletsang bahlahisi ho kenela kgwebo ya tlhahiso ya poone.
Diterekere le disebediswa tse sebediswang ke bongata ba bahlahisi ba ntseng ba thuthuha di boemong bo fokolang haholo, mme bongata ba bona ha ba maemong a matle a ditjhelete ho ka ntlafatsa boemno bona - phaello tlhahisong ya dijothollo e tlase, mme phoso ha e yo kapa ke e nyane ho mohlahisi ya ntseng a hola.
Bongata ba bahlahisi ba kopana le mathata ka disebediswa tsena tsa sejwalejwale - mohlala, Lefapha la Temo Mpumalanga le file dihlopha tse ding tsa balemi diterekere le disebediswa tsa sejwalejwale tseo ba sitwang ho di sebedisa kapa ho metha ka tsona.
Bahlahisi ba bangata ba hloka disebediswa tse hlokehang, tse kang difafatsi tsa boom, e leng se bolelang hore ba sitwa ho laola mahola le dikokwanyana (diboko) ka mokgwa wa dikhemikhale. Ha ho diinstitushene (mekgatlo) e ikemiseditseng ho thusa ka ditjhelete disebediswa tse seng di ile tsa sebediswa, mme tse ntjha tsona di phahame ka theko haholo hoo bongata ba bahlahisi ba sitwang ho di reka.
Makgetho a phaello (interest rates) a phahame haholo hajwale, mme haeba a kenyelletswa ditjeong tse seng di phahame tsa tlhahiso, tlhahiso ya dijothollo ke e sitwang ho fetohela bahlahisi molemo dibakeng tse ngata.
Ho teng bahlahisi ba bangata ba ileng ba amohela mobu ka mokgwa wa kabo ya naha, mme ba filwe mobu o sa lokelang tlhahiso ya dijothollo - bahlahisi bana ruri ba batla ho ho hlahisa dijothollo, empa re sitwa ho kgothaletsa hore bahlahisi ba leme poone mobung o sa tebang ho feta 700 mm - monyetla wa ho nyopa ke o phahameng haholo.
Bothaha bo bong boo ruri bo lokelang ho elwa hloko ke wa mehato e fokolang ya semolao le/kapa mokgwa o fokolang wa puso o simollotseng haesale ka kabo ya mobu. Hangata mobu o ile wa nehelanwa ho Truste e nang le majalefa a mangata kapa batho ba bangata ba e tshwereng (hangata e leng batho ba fetang 30). Tshimolohong kgopolo ho ne ho nkilwe hore batho kaofela ba tla kenyeletswa bohle temong, empa ha nako e ntse e tsamaya maemo a ditaba a ntse a rarahana haholo, mme jwale e se e le batho ba mmalwa feela ba sebetsanang le temo, ba etsang mosebetsi, mme maemo a bona ha se a tsitsitseng.
Tumello ya ho fumana tse sebediswang temong e sa ntse e le bothata bo shebaneng le bongata ba balemi, mme ke hantle hore tharollo e fumanwe, mohlala, projeke ya pele (teko) eo re bileng le yona le Lefapha la Temo la Foreisetata le OVK tshehetsong ya bahlahisi ba itseng, ba hlwailweng - OVK e neane ka tshehetso e phethahetseng ya tlhahiso (credit) ho bahlahisi hore ba kgone ho sunya peo mobung ka nako e nepahetseng, mme lefapha la Temo le kgutliseditse 50% ya tse sebedisitsweng ho OVK hore e kenngwe diakhaontong tsa bahlahisi bana. Teko ena e sebeditse hantle, mme e mong le e mong o kgonne ho lefa kadimo ya hae le ho etsa phaello, empa ha re leka ho atolosa lenaneo jwalo ka ha ho dumellanwe, Lefapha la re ha le na ditekanyetso dife kapa dife tsa projeke ena!
Ha bahlahisi ba atlehile kopong ya bona ya kadimo, diistitushene tsa ditjhelete di lesisitheho ho ho ba thusa ka tjhelete mabapi le ditokiso tsa metjhine le ho e hlokomela - ntle le disebediswa tse ka sebediswang batho bana ba ke ke ba eba bahwebi ba mmakgonthe.
Lebatoweng la Bronkhorstpruit, moraorao tjena, lebatoweng la Lichtenburg, AFGRI e tshere temo mabapi le bahlahisi ba tswelang pele - ba sebedisa borakonteraka ba baholo haholo, ba basweu, ba tshwereng temo, mme qetellong ya sehla, bahlahisi ba fumana karolo ya se setseng (AFGRI e nka ditjeo tsa tse sebediswang temong le 50% ya phaello).
Bahlahisi ha ba ithute ka temo ka ha ha ho phapanyetsano ya Bokgoni.
Ha ho moputso ho bahlahisi ba lekang ho kena ka setotswana - ho bonahala eka mobu o sebetswa hammoho le hore bahlahisi ba fumana ho ya ka seabo sa bona sa diakere, eseng ho ya ka kuno e fumanweng masimong a bona.
Haeba molemo wa tlwaelo ena o nyehla, ho nkuwa hore AFGRI e tla emisa ka temo, mme bahlahisi bana ba tla iphumana ba le maemong a mabe haholo ao ba tla sitwa ho tswela pele ka temo ba le bang.
Theko e phahameng haholo ya manyolo e bolela hore bahlahisi ha ba sebedise tekanyo e kgothaletswang ya manyolo - sena se qetella ka kuno e tlase hammoho le maemong a putlameng a mobu qetellong.
Ba Maize Trust ba kentse mokgwa o babatsehang wa tshehetso wa ho lefella kalaka, ho phetholwa ha pele ha mobu, dikeletso le inshorense ya tse sebediswang ho lema. Le ha ho le jwalo, tshehetso ena be tsamaiswa feela ka motjha wa agri-business. Ho teng mehlala e mengata moo mohlahisi e seng setho sa Agri-business, kapa a sitwang ho fumana kadimo ya tjhelete ka agri-business, kapa, maemong a mang, ho hang ho se nang agri-business (jwalo ka mabatoweng a Kapa Botjhabela) - sena se bolela hore mohlahisi o sitwa ho ho fumana tshehetso ya Maize Trust.
Tshebeletso ya ya katoloso ya mafapha a temo ha e sebetse ka moo e lebelletsweng ka teng - balaodi ha ba na tsebo, mme hangata ha ban a thahasello ho thusa bahlahisi.
Ho fumana mobu o ka lengwang e sa boetse e le qaka diprovenseng tse ding - haholoholo tseo ho tsona ho seng mobu o kopanetsweng ke setjhaba jwalo ka Foreisetata. Lefapha la Ditaba tsa Mobu (Naha) ha le mafolofolo - ha ba na thahasello ya ho lefa theko e batlahalang mobung o motle, mme ha ba fela ba reka mobu, ha ba etse bonnete ba hore bahlahisi ba na le disebediswa tse hlokahalang - nnete ke hore ho ba mohlahisi ho hlokahala tse ngata ho feta mobu feela o ituletseng feela.
<fn>PulaImvula. FactorsMaize.2010-02.st.txt</fn>
Ka tlwaelo ha esale boleng ba polasi bo theilwe tlhahisong ya yona ya temo. Dibakeng tseo haholo e leng tsa mahaeng bahlahisi ba ntse ba jere boholo ba boikabelo dithekong moo theko ya tse hlahiswang temong e leng tabakgolo e laolang boleng ba polasi.
Sekgahla se phahameng kapa se tlase sa tswala se boetse se tshwaetsa bahlahisi ka ha bahlahisi ba bangata ba sebetsa ka tjhelete yohle e kadimilweng kapa ka karolo e itseng ya yona. Matsete a tjhelete mabapi le meaho ya mapolasing le disebediswa tsa temo le tsona di sa ntse di ena le tshwaetso ya bohlokwa mabapi le boleng ba polasi.
Ka ho kena selekaneng sa tlhahiso ya dijothollo mmoho le bahlahisi ba bang.
Kuno ya nako e telele ya tjhelete, e leng e amanang le keketseho ya boleng ba masimo ha nako e ntse e tsamaya.
Kuno tsena tsa nako e telele le tsona di itshetlehile ka peresente ya kuno tshebedisong ya masimo, eo le yona e shebaneng le kuno e phahameng le e tlase ya ikonomi ka disaekele ha nako e ntse e tsamaya. Ka kakaretso, boleng ba masimo bo bontshitse tshekamelo lehlakoreng la keketseho ha nako e ntse e tsamaya, mme tshekamelo ya lefatshe yona e dumela hore tshebetso ya masimo e lokela ho ba matsohong a batho ba seng bakae. Sena se baka hore ho be thata ho ba batjha ba kenang ho fumana masimo le hore nakong e kgutshwane masimo a kgone ho sebetswa ka mokgwa o hlwahlwa hore a kgone ho itefella. Boemo bo tjena ba ditaba bo fapane moo masimo a fumanwang ka mokgwa wa thuso (grant) ya mmuso kapa mekgatlo e itseng, wa lefa, kapa wa kadimo eo sekgahla sa tswala se tsheheditsweng (jwalo ka ha ho etsahala sekemeng se setjha sa Lefapha la Ditaba tsa Mobu se bitswang Proactive Land Acquisition Scheme (PLAS) kapa Sekema sa Tshehetso Phumanong ya Mobu.
Kgiriso ya mobu e fetohile, ho tloha mokgweng wa bahlahisi ba batjha ba kenang temong ho ya ho wa bahlahisi ba seng ba ikemetse ba fumanang mobu wa tlatsetso moo ba atolosang tshebetso ya bona. Taba ena e tshwanetse ho shejwa ka ihlo le ntjhotjho moo mobu e leng o kopanetsweng wa setjhaba. Mona ke moo mobu o mongata o ituletseng feela o sa sebediswe empa ho ena le bahlahisi ba bangata ba nang le bokgoni, ba ka nnang ba sebedisa mobu ono hantle. Taba ya ho hira e dumella bahlahisi ho atolosa kgwebo tsa bona ntle le ho ikenya dikolotong tsa ditjhelete tse kgolo jwalo ka ha ho etsahala ho beng ba mobu.
<fn>PulaImvula. FallingWheat.2008-12.st.txt</fn>
Teko ya "mokgwa wa ho nyehla ha dinomoro" e bolela eng?
Hangata balemi ba kgathatswa matla ke kereiti tseo basebedisi ba disiu tse fapaneng ba fanang ka tsona nakong eo ba tlisang ho shebahalang eka ke kereiti e ntle, e phethahetseng , ya koro. Lengolong lena la kgwedi re sheba ka moo teko ya "dinomoro tse nyehlang" e sebediswang ka teng tlhophisong (kereiting) ya koro.
Tshebediso ya teko ena e tsejwang lefatshe ka bophara ba lona e na le molemo mabapi le taolo ya boleng ho ba silang (millers) empa e ka tlisa maswabi tabeng ya tlhophiso ho ya ka leihlo la molemi. Kereiti e tlase e tla rekiswa ka theko e tlase, mme hona ho ka ba le ditlamorao tse mpe ditjheleteng ha e nkwa ho ya ka ditone tse ngata kapa ho ya ka boholo ba dijothollo tsa polasi.
Ho hlokolosi ho kotula koro hang feela ha e bonahala e se e butswitse. Haeba pula e na hang feela pele ho kotulwa, dijothollo di ka nna tsa simolla ho mela kapa ho hlahisa lekgaba. Ho mela ho eketsa alpha amylase, enzaeme e thuhang setatjhe, mme ho boetse ho na le keketseho dienzaemeng tse thuhang diprotheine. Ho tsena tse pedi, enzaeme ena ya alpha amylase e na le tshwaetso e kgolo ya ho fokotsa boleng ba folouru le dihlahiswa tse etswang ka folouru eo. Bolelele ba nako ba ho hola ha sejothollo se hlahisitseng lekgaba ho kgema mmoho le keketseho ya bongata ba alpha amylase. Ha dijothollo tse hlahisitseng lekgaba di silwa, folouru e ka baka mathata a dihlahiswa jwalo ka bohobe bo dikaqa, bo ke keng ba sehwa ha bonolo ke metjhine e sehang, kapa tsona di-noodles (dikgwele tse kang tse bolepo), tse sarolohang, tse thellang hodima patsi moo di fanyehilweng hore di ome.
Ka kakaretso re ka re ho lekanya mohato wa ho mela ha peo ka leihlo ho re fa setshwantsho sa hore ke alpha amylase e kae e seng e le teng. Le ha ho le jwalo, mokgwa ona ha se o nepahetseng haholo wa ho metha, mme ka baka lena, teko e bitswang "teko ya ho nyehla ha dinomoro" ke yona e sebediswang ho metha tshwaetso ya alpha amylase ka nepo.
Mokgweng wa ho nyehla ha dinomoro ho sebediswa sesebediswa se methang nako e nkwang ke plunger (sesebediswa se kang poropo) ho theohela tlasetlase tjhupung e borilweng ka nepo, ya galase e tshetsweng hlama e futhumaditsweng ya phofo ya koro le metsi.
Nako e nkwang, ka metsotso, hore sena se etsahale, e tsejwa e le nomoro e nyehlang, mme e ka ba metsotswana e 62 mabapi le koro e hotseng hampe. Ho nka metsotswana e 62 ho kopanya phofo e mongobo le metsi, mme poropo e theohela hanghang tlasetlase galaseng hobane motswako o le bonolo haholo.
Koro ya boleng bo hodimo e etsa motswako o motenya, mme ka hoo teko e nka metsotswana e pakeng tsa 300 le 600. Ha koro e holang e senyehile, motswako wa setatjhe o fokotsa ho qamathela, mme ka hoo, nomoro e nyehlang e ba tlase. Koro e nang le dinomoro tse nyehlang tse ka hodima metsotswana e 300, ke yona e loketseng ho etsa bohobe. Mabapi le dikereiti tse ding tsa tshilo, dinomoro tse nyehlang, tse ka hodima 250, di ntse di amoheleha.
Ho se ho fumanwe hore sampole ya sejothollo e tswang peong e hotseng ka ho phethahala ya koro, e kotulwang hammoho le sejothollo se sa ntseng se le setala ho tswa baleming ba moraorao mehatong e bonolo ho isa ho e thata ya hlama, e tla kenyeletsa matshwaonyana a itseng a matela. Sampole ena e ka bontsha teko e tlase, e nyehlang, ya nomoro, mme ya qetella ka ho etsa hore koro ya boleng bo hodimo e theolelwe bolenng bo tlase ka baka la sephetho se tlase sa teko ya ho nyehla ha nomoro.
Boiphihlelo ba letsatsi le letsatsi bo bontshitse hore haeba sejothollo sena se ka bolokwa matsatsi a mmalwa hore karolo e tala, e ka hare, ya koro e kgone ho oma le ho omella ka hara sampole, koro e ka nna ya fetisetswa sesebedisweng se methang. Ha peo e hlwekiswa hape ka motjhine ho tlosa dipeo tse ommeng le tse sosobaneng, ho tla fihlellwa kereiti e phahameng le e amohelehang ya koro.
Sena se kgahlanong le koro e ileng ya fumana pula e ngata hoba e butswe, mme e se e entse lekgabanyana. Ha ho se sekaalo se ka etswang ho fetola teko ya ho nyehla ha dinomoro mohatong ona.
Hobaneng nakong ya kotulo pula e etsa hore koro e lahlehelwe ke boima?
Jwalo ka ha ho hlalositswe hodimo mona, peo e simolla ho mela haeba pula e na pele ho kotulo. Le hoja ho etsahala hore peo e se e simollotse hanyane ho mela, ka mora mongobo e a kokomoha, mme ha e oma ha e kgutlele boholong ba yona bo bonyane ba pele kapa mothamong wa yona wa pele o phahameng. Sena se bolela hore boyona bo nka sebaka se seholwanyane, kapa ho e beha ka mantswe a mang, volume eo e le nngwe ya peo e ba le boima bo tlase.
"Teko" kapa popeho ho ya ka dilithara, kapa popeho ya dilithara tse 100 tsa peo, e sebediswa ho lekola volume e itseng. Popeho ho ya ka dilithara ya sejothollo (peo) se phethahetseng hangata e pakeng tsa boima ba dikilograma tse 76 le tse 84 lithareng tse ding le tse ding tse 100, mme sejothollo se sentsweng ke maemo a lehodimo sona se ka nna sa ba tlase dikilogramong tse 60 dilithareng tse ding le tse ding tse 100.
Popeho ya sejothollo ho ya ka dilithara e ka nna ya ntlafatswa ka ho e fetisa sesebedisweng sa auger makgetlo a mangatanyana. Sena se ke ke sa fetola sephetho sa teko ya ho nyehla ha nomoro hakaalo.
Ho bohlokwa ho nka sampole ya boemedi dijothollong tsa hao tsa pele ha ho simollwa ho kotulwa, mme ho iswa kotulo ena sesiung, e leng moo ho ilo lekolwa mothamo wa mongobo, ho kereitwa mabapi le ho nyehla ha nomoro, hammoho le popeho ho ya ka dilithara (100).
Qeto ke hona moo e ka etswang ya ho diehisa kotulo, ho boloka setorong dijothollo tse kotutsweng mabapi le tekolo e tswelang pele, mme hamorao e latelwe ke ho tsamaiswa, kapa haeba kereiti e amoheleha ho ka kopanngwa le ho tsamaiswa hanghang. Kgetho e nepahetseng ka ho fetisisa e tla ba ho kotula le ho tsamaisa hanghang ho tloha masimong haeba kereiti e le e amohelehang.
Maqheka a ho rekisa le ho beha poreisi le ona a tla laola hore na sejothollo se ka tsamaiswa na, le ho rekisetswa beng ba disu hanghang, kapa sa tsamaiswa le ho bolokwa disiung tsa bahwebi kapa ho ipolokela sona.
Ho latela mokgwa wa ho kereita, tlasa Molao o mabapi le Dihlahiswa tsa Temo, ke sehlopha se le seng sa bohobe se leng teng mmoho le dikereiti tse 4, e leng B1, B2, B3 le B4, tse laolwang ho ya ka mothamo wa tsona wa protheine, popeho ho ya ka dilithara tse 100 hammoho le nomoro e nyehlang (Theibole 1).
<fn>PulaImvula. Farmer(maize).2011-07-07.st.txt</fn>
Photo 1: Jane McPherson (ka leqeleng), o ne a thabetse ketelo ya Mme Mzebenzi Zwane, MEC wa Temo Foreisetata le Mofumahadi Nandi Mayathula-Khoza, MEC wa Temo Gauteng Letsatsing la Kotulo la NAMPO. Ba kopana le Dr Limakatso Moorosi (ka ho le letona), Hloho ya Lefapha la Temo Foreisetata.
Photo 2: Gideon Ralepedie (Senwes), G. Motseng, Jane McPherson, B. Tswene (MEC, North West), N. Maloyi (Speaker), moleng o ka pele, Japie Fransman (Senwes), C. Kanyane and Sello Lesupi lle bona ba ile ba etela Ntshetsopele ya Molemi Letsatsing la Kotulo la Nampo.
Morero wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi ke ho ntshetsa pele balemi ba batsho ba hwebang ka dijothollo ba filweng bokgoni. Ho fihlella sena, ho bohlokwa ho beha maikutlo ho motho ka mong: re tlamehile ho ntshetsa pele motho eo.
Ntshetsopele HA SE ka masimo.
Ntshetsopele HA SE ka metjhine.
Ntshetsopele HA SE ka mebaraka.
Ntshetsopele HA SE ka tjhelete.
Ntshetsopele HA SE ka temo ya molemi.
Tshebetso yohle e simolla ka ntshetsopele ya motho - dintlha tse ding kaofela di latela moo. Ntshetsopele ke tshebetso e tswelang pele, ha se ya ntlha e le nngwe.
Letona la jwale la Temo, Mme Tina Joemat-Pettersson o bontshitse hore o bona tlhoko ya ho arola balemi ho ya ka mekgahlelo e fapaneng. Mekgahlelo ena ke e latelang: (le hoja re iketseditse dintlha tsa rona hobane ho le siyo dintlha tseo ho dumellanweng ka tsona mekgahlelong e fapaneng).
Ho ka nna ha batla ho ferekanya ha re re Mohato wa 1 le balemi ba hekthara ya 1 ho isa ho tse leshome ba wela mokgahlelong o le mong. Ke taba ya bohlokwa ho ba le lenaneo le kenyeletsang mehato e hlakileng e qollehang - molemi ka mong ya kenang lenaneong la rona o simolla mohatong wa 1 - boholo ba masimo a hae ha se taba ya bohlokwa mona. Jwalo ka motho wa mohato wa 1, ho teng dithuto tse itseng tseo a tshwanetseng ho kena ho tsona, tseo e leng motheo wa bolemi ba kgwebo. Ka bomadimabe ho teng balemi ba bang ba bonahalang ba ke ke ba feta Mohatong wa 1 ka ha ba ke ke ba ba le masimo a mang kapa yona metjhine.
Balemi ba mohato wa 2 ba wela mokgahlelong o hlahlamang, mme ho teng dithuto tseo ba lokelang ho kena ho tsona mohatong ona - ho aha hodima ditaba tseo ba ithutileng tsona Mohatong wa 1. Balemi bana ba ka nna ba hloleha ho feta mohatong ona, hape ka baka la mathata a ditjhelete, masimo kapa metjhine, e leng tse ke keng tsa qojwa.
Balemi ba mohato wa 3 ke ba seng ba fetile mehatong ya 1 le 2, ba seng ba bokelletse ditaba tsohle tsa kwetliso tse fumanwang mehatong e mmedi ya pele, ba seng ba kgona ho hlahisa ditone tse 250 ka selemo. Molemi wa "kgetlo la pele" ya nang le lehlohonolo la ho fumana dihekthara tse 1 000 ka mokgwa wa PLAS (mohlala) ha a tshwanela ho qala mosebetsi mohatong wa 3 - ke taba ya bohlokwa hore molemi ka mong a simolle mohatong wa 1, mme a ahe ho tloha moo. Balemi ba bang qetellong ba iphumana ba fihlelletse mohato wa ho ba bahwebi ba makgonthe, empa ho teng ba bang bao, ka mabaka a itseng, ba dulang ba le boemong ba ho hlahisa feela tse hlokwang ke malapa a bona kapa e le balemi feela ba banyane.
Thuto ya Motheo ya Tlhahiso ya Poone.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Poone.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Soneblomo.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Mabele.
Thuto ya Selelekela Tlhaisong ya Koro.
Thuto ya Selelekela Tlahisong ya Matokomane.
Thuto ya Tsamaiso Metjhineng.
Ho nkuwa ha disampole tsa mobu.
Boemo ba pH ya mobu le ba phosphate.
Botebo ba mobu.
Tokiso ya motheo ya mobu.
Dipalopalo tsa dimela.
Taolo ya mahola le dikokwanyana.
Tokiso ya mobu.
Dipalopalo tsa peo le dimela.
Taolo ya mahola le dikokwanyana.
Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Phetisetso ya ditaba ho batho.
Thuto ya Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Temo.
Thuto ya Motheo ya Tokiso ya Enjene.
Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Poone le ya Mmaraka.
Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Soneblomo le ya Mmaraka.
Thuto ya Tekolo ya Mehlodi le Moralo wa Temo.
Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni.
Thuto ya Tlhokomelo Temong le Tshehetso.
Thuto ya Tsamaiso ya Metjhine.
Ditokiso tsa metjhine le tlhokomelo.
Kgetho ya mefuta ya peo.
Tshebediso e ntle ya manyolo.
Tshebediso e ntle ya mehlodi ya tlhaho.
Taolo ya Dikotsi le Inshorense.
Mmaraka le poloko meahong.
Tsamaiso ditjheleteng (dikadimo tsa tlhahiso).
Ho tshwauwa (calibration) ha diplantere le difafatsi.
Mekgwa ya ho phethola mobu.
Ho behwa ha disebediswa.
Dikadimo tsa tlhahiso.
Ho fumanwa ha dithuso tsa ditjhelete le tshehetso ya mmuso.
Mehato e fapaneng ya ho kenngwa ha manyolo.
Dikgetho tsa mefuta ya peo.
Taolo ya mahola ka dikhemikhale (mananeo).
1. Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Phetisetso ya ditaba ho batho.
Phetisetso ya ditaba ho batho.
Thuto ya Temo ho etsa Phaello.
Thuto ya Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso.
Thuto ya Tlhahiso ya Kgarese tlasa Nosetso.
Thuto ya Tlhahiso ya Koro tlasa Nosetso.
Thuto ya Tsamaiso diterekereng tsa tshebetso e phahameng.
Ho mmarakwa ha dijothollo.
Phapantsho ya dijothollo.
Kgethollo ya mefuta le tshebediso e ntle ya mehlodi.
Ba dikgwebo tsa temo (agribusinesses).
Temo e hlophisitsweng.
Dikhamphane tsa phepelo ya tse kenngwang mobung.
Dibanka le ba thusang ka ditjhelete.
Ho kenyeletsa balemi lefapheng la bahwebi ba tsa temo.
1. Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Phetisetso ya ditaba ho batho.
Phetisetso ya ditaba ho batho.
<fn>PulaImvula. Farmer.2008-09.st.txt</fn>
Byline: E bokelletswe ke A.P.N. du Toit (Institjhute ya ARC-Grain Crops), S.J. Terrblanche (Unibesithi ya Pretoria) le J.
Ho thusana ho molemo.
Ka dihlopha, balemi ba ithuta tse ntjha.
Balemi ba ka ithuta ho ba bang.
Letshwele le beta poho ka dihlopha.
Nako e fihlile hore balemi ba ntseng ba thuthuha ba se ke ba itshetleha ka diinstitushene tse tlwaelehileng tsa mmuso, empa taolo e be matsohong a bona.
Senotlolo sa ho imatlafatsa se mohatong wa tlhophiso ya balemi ba selehae. Phephetso ho balemi ke ho sebetsa ka sepheo ho nnetefatsa hore ho hlongwa dihlopha tse ikemetseng tsa balemi, moo beng ba thepa ka hohlehohle e leng ditho ka botsona. Sehlopha sa balemi se bopa mokgatlo o sebetsang mmoho se phehelletse phetoho boemong ba polasi le ba temo ka kakaretso.
Le ha ho le jwalo, ho hlakile hore tlhophiso ya balemi ho ba etsa dihlopha tse hlwahlwa ke ntho e tla nka nako. Sepheo ka tataiso tsena ke ho kenya tjheseho le ho bontsha baetapele tsela temong hore bonngwe ba bona bo ba tswalle tse molemo ka ho fetisisa.
Hobaneng dihlopha tsa balemi ba selehae?
Balemi e mong a ka ithuta ho e mong. Ka mokgwa ona, ba fumana tsebo, boiphihlelo le bokgoni.
Sehlopheng, balemi ba fapaneng ba ka etsa qeto. Ha tsebo e ntse e eketseha sehlopheng, menyetla ya ho etsa diphoso e a fokotseha. "Hlaahlela le lla ka le leng".
Dihlopheng, balemi ba ithuta ho nahana ka mokgwa o motjha le ho leka tse esong ho lekwe. Ditho sehlopheng di kgothaletswa ho sheba menyetla e meng.
Dihlopha di fana ka dikgokahanyo le ditshebeletso tse kang, phuputso, katoloso, phepelo ya disebediswa tsa temo le mmaraka. Baabi ba ditshebeletso ba tla rata ho sebedisa monyetla wa ho buisana le sehlopha se tsamaiswang ka molao le ho se rekisetsa kapa ho reka ho sona thepa e ngata.
Dihlopha di thusa hore tlhahiso e eketsehe boemong ba temo. Sena se kgonahala ka baka la tse kopanetsweng tse kang tsebo, bokgoni le boiphihlelo hara ditho tsa sehlopha.
Dihlopha di thusa ho matlafatsa lentswe la balemi. Balemi ba ntseng ba thuthuha ba hloka lentswe le matla (toma). Sehlopha se hlwahlwa sa boithuto ke molomo wa ditho ka botsona.
Matshwao a sehlopha se hlwahlwa sa boithuto ke afe?
Boetapele bo matla - "Baetapele ba moo ho sebeletsa, eseng ho sebeletswa".
Sehlopha ha se hatellwe ke moetapele kapa mang kapa mang wa ditho.
Ponelopele e hlakileng, sepheo, se habilweng, moralo wa mehato e tla nkwa hammoho le ho hahamella katlehong.
Ditho ke tsa boemo bo le bong tswelopeleng ya temo, mme ditabatabelo le ditlhoko ke tse tshwanang, tsa bona bohle. Sehlopha se tshwanang tabeng tsena se ba le kgohedi e se etsang kgokanyana phiri.
Ditho di lokela ho ba le kutlwisiso e hlakileng ya mesebetsi e lebelletsweng ho tsona dihlopheng.
Ditho di na le bokgoni bo itseng ho tsa ditjhelete hammoho le mehlodi e itseng. Ditjhelete boholo ba tsona di tswa dithong, mme di laolwa ke tsona ditho ka botsona.
Ditho di jara boikarabelo ba tse etswang; di na le boinehelo sehlopheng, le ho kgotsofala ka ho kenya letsoho mesebetsing ya sehlopha.
Ditho tshohle di mafolofolo ho ithuta, mme ditho di ikemiseditse ho arolelana tsebo le boiphihlelo ba tsona.
Di na le boikemelo mererong le tsamaisong ya ditaba, mme di kgona ho iphumanela mekgwa ya ho fumana ditshebeletso tse hlwahlwa.
Di tshwanetse ho bontsha boikemisetso kgethong ya ditataiso le mekgwa e lokelang ho salwa morao hore ho fihlellwe sepheo sa sehlopha kaofela.
Ditho di sebedisa bokgoni le tsebo e fapaneng ya ditho ka mokgwa o hlwahlwa.
Puisano e bulehileng e lokela ho ba teng hara ditho. Ditho di lokela ho ba le bolokolohi ba ho ntsha maikutlo a tsona ntle le tshabo mabapi le mesebetsi e etswang ka bomong le e etswang ke sehlopha kaofela ka kopanelo.
Di lokela ho ba le boitekolo kgafetsa. Ka nako e itseng, sehlopha se a kgefutsa, se a sheba hore na se sebeditse jwang kapa se ntse se sebetsa jwang, le hore dintlafatso di ka etswa hokae.
Di lokela ho ikamahanya le maemo a phahameng a temo e hlophisitsweng hantle. Dihlopha tse jwalo di hokahantswe le mekgatlo e nang le boemedi bo batsi.
Tshebetso ya ditho ke e otlolohileng, ya nnete, mme ditho di ka shebana le mathata le dikgaello. Hore tshebetso e ntlafale, ditho di tla etsa phetoho efe kapa efe e hlokahalang hore e etswe.
Dihlopha di kenya tjheseho le mafolofolo dithong tsa tsona. Le hoja e mong a ena le boikarabelo bo itseng sehlopheng, ditho di tseba ka ho hlaka hore di tla una molemo ka ho ba karolo ya sehlopha.
Dihlopha di tshwanetse ho hlongwa e le karolo ya setjhaba se teng le mekgatlo e teng. Ha ho kgonahala, kamano le mmuso wa setjhaba ke taba ya bohlokwa. Tumellano e tshwanetse ho ba teng ya mmuso wa setjhaba le mekgatlo e meng ya selehae mabapi le ho hlonngwa ha sehlopha sa balemi.
Balemi ka bobona ba tshwanetse ho kgetha ditho tsa sehlopha.
Dihlopha di ka simolla boemong bo sa hlophisehang hantle, mme tsa nna tsa hola jwalo ho fihlela di le boemong ba tlhophiso e feletseng. (Sheba katamelo ya "Mosebetsi pele le tlhophiso" hamorao). Katamelo ena e a kgothaletswa ka ha e etsa hore balemi ba kgone ho hola mmoho le ho hlongwa e le sehlopha.
Dihlopha tse seng di hlonngwe di ka nna tsa hlophiswa botjha le ho matlafatswa botjha. Le ha ho le jwalo, taba ya dihlopha tse seng di holofetse, di sa hole, e tshwanetse ho qojwa ka hohle.
Maemong ao batho ba esong ho hlophiswe e le sehlopha, bahlophisi kapa ba thusang ho se ntshetsa pele ba a hlokahala mabapi le ho potlakisa ho hlongwa ha sehlopha.
Moo bahlophisi kapa bapotlakisi e seng ditho tsa setjhaba ka bosona, ho tla hokahala batho bao ho ka ikopanngwang le bona setjhabeng, ba nang le seriti se setle, hore e be bahokahanyi ba sehlooho ba balemi.
Ponaletso bahlophising le baetapeleng e a hlokahala hobane ke motheo wa ho hlongwa ha sehlopha se atlehileng.
Ditlhoko le mathata a sehlopha se itseng sa balemi ke dintho tse tshwanetseng ho tsejwa, ka ha sena se tadingwa e le motheo wa merero ya nako e tlang le sepheo se tla hahamallwa ho fihlellwa.
Mokgwa ona o thusa balemi hore ba kene mosebetsing ntle le tikatiko. Sehlotshwana se sa hlophiswang hantle se simolla ka ho tsepamisa maikutlo bothateng bo itseng le ho sebetsa mmoho ho bo rarolla. Ditho tsa sehlopha di ba le boinehelo bo matla ba ho fihlella sepheo sa sehlopha. Re sa le tabeng ena, bonngwe ba sehlopha bo a matlafala, mme ditho di atamelana ka mokgwa wa tlhaho. Ka mokgwa ona, ho bopeha ha sehlopha ho tshwana feela le ha diphedi (living organisms) tse holang ho tswa ka hare.
Dihlopha di tswela pele ka botsona ntle le ho tshwenngwa ke tse ka ntle.
Sena se bopa maemo a boetapele ba sebele tshebetsong e tlwaelehileng ya kgetho.
Tseo sehlopha se rerileng ho di fihlella ke tsona tse qhobang sehlopha, eseng maikutlo feela a baetapele ba dihlopha kapa mekgatlo ya ka ntle.
Ho hlongwa ha sehlopha se hlwahlwa ke tholwana ya balemi ba mafolofolo setjhabeng, bao sepheo sa bona e leng ho fihlella ditlhoko le ditharollo mathateng a bona. Ha ho sehlopha sa balemi se ka qobellwang ho ba teng, e ka ba ho tswa ka hare kapa ho mang kapa mang ka ntle. Ho hlongwa ha sehlopha ruri ho fapana ho ya ka maemo a itseng.
Ha tlhoko ya ho hlongwa ha sehlopha e eba teng hara balemi setjhabeng, baetapele ba ka simolla ka ho bitsa kopano sebakeng se itseng, seo e seng sa enwa kapa yane. Sehlopha sena se tla bopjwa ke palo e nyane ya batho ba bohlokwa, ba tjhesehelang ho hlongwa ha sehlopha se tla ba molemong wa mosebetsi wa bolemi. Sepheo sa kopano ena ke ho etsa hlahlobo e batsi ya maemo a bolemi a jwale. Hape, kopano e boetse e batla ho tseba tlhoko ya ho hlongwa ha sehlopha le ho buisana ka hohlehohle ka sepheo le ditebello tsa ba lakatsang ho ba ditho tsa sehlopha. Ditho tse kenang di tshwanetse ho tseba menyetla eo di tla e una. Kopano ena e fana ka monyetla o motle wa ho lokisa ditho le ho etsa hore ditho di tlwaelane. Kopano ena e tla fa balemi sebaka sa ho inahana hantle hore na ba rata ho kena ka setotswana mosebetsing ona na. Mohatong ona ho tla hlokahala hore ho be teng ditataiso tse batsi mabapi le sepheo sa sehlopha.
Mohato o latelang ke wa ho beha letsatsi la ho hlongwa ha sehlopha. Kgothaletso ke hore baetapele ba atamele kopano ka mokgwa o lokolohileng (informal). Nakong ya kopano, batho ba ka fetohang ditho ba tshwanetse ho etsa qeto hore na nako e lokile ya hore sehlopha se hlophisitsweng (formal) se ka thehwa na. Ha eba ho dumellanwa, baetapele ba ka tswela pele ka metheo ya sehlopha.
Bahlophisi/bapotlakisi ba sebetsa e le baetapele ba simollang sehlopha ba le boemong ba nakwana feela. Balemi, e leng ba tadingwang jwalo ka ditho tse tla kena, jwale ba memelwa kopanong ena.
Kgetho ya boetapele hammoho le hore nako ya ho ba ditulong ke e kae. Sehlopha se hloka modulasetulo wa mofuta ofe Mokgothaletsi kapa mopotlakisi wa tshebetso ha a a tshwanela ho etella pele sehlopha ka boyena - sehlopha ka bosona se tshwanetse ho itjarela boikarabelo ka bosona?
Ka nepo, ho tshwanetse ho buisanwa, ho beha mantswe, ho a lokisa le ho sheba ka mokgwa o batsi sepheo sa nako e telele sa sehlopha. Ditho di tlamehile ho hlakisa kutlwisiso ya sepheo le ho tlosa ho se utlwisise hofe kapa hofe ho ka bang teng.
Ditho di tshwanetse hore di kgone ho ipehela tse lokelang ho fihlellwa (sepheo) le tse tlang pele nakong ya kgwedi tse latelang tse tsheletseng kapa nakong ya selemo. Di tshwanela ho hlakisa mesebetsi le boikarabelo bo amanang le mesebetsi e fapaneng e lokelang ho phethwa ho fihlella sepheo. Hape le ho hlophisa mesebetsi le sepheo ho ya ka tatellano ya hore e tlang pele ke efe.
Qeto e tshwanetse ho nkuwa mabapi le lenane, hore ho tla kopanwa neng, hakae le hokae ho tla tshohla ditlhoko tsohle tsa ditho.
Ka ha ketsahalo ena e tadingwa e le ho tswalwa ha sehlopha, nako e lekaneng e tshwanetse ho sebediswa ho nnetefatsa hore boetapele ke bo tiileng, le hore sepheo le merero (goals and objectives) di hlakile le ho hlaloswa hantle.
Mosebetsi wa ho hloma sehlopha o tshwanetse ho ntshetswa pele kopanong e latelang, ka mora kopano ya motheo.
Ho phethahatsa sepheo le merero (goals and objectives).
Ho ntshetsa pele moralo wa tshebetso, letsatsi le nako, tsa nako e loketseng.
Ho ngola molaotheo (constitution) ka ho beha melao e ikgethileng mabapi le botho, makgetho a ditho, ho ba teng dikopanong, tayo ya sehlopha, hammoho le ba nang le seabo (stakeholders).
Hangata komiti e kgethwa ho ba le ditho tse hlano, e leng, modulasetulo, motlatsa-modulasetulo, mongodi hammoho le ditho tse pedi tsa tlatsetso. Dihlopha tse ding di dumellana ho kgetha motlatsa-mongodi hammoho le ramatlotlo ho nnetefatsa hore ditaba tsa ditjhelete di tsamaiswa hantle. Ditho tsena tse pedi tsa tsamaiso ya sehlopha di ka kgethwa bakeng sa ditho tse pedi tsa tlatsetso, kapa tsa tlatsetsa. Kgothaletso ke hore bong (botona kapa botshehadi) ba ditho tse kgethilweng bo emele ntle le pelaelo palo ya banna le basadi sehlopheng. Katamelo e ntle ke ya ho ba le banna ba babedi le basadi ba babedi ba bopang komiti, mme setho sa bohlano e be modulasetulo, e ka ba motho wa monna kapa wa mosadi. Komiti e emetse ditho dinthong tsohle tseo e di etsang. Komiti e na le boikarabelo mabapi le tayo (discipline) le tsamaiso e ntle ya sehlopha, e leng tse hlokolosi hore ho fihlellwe ka katleho sepheo le merero ya sehlopha.
Ka kakaretso, ho ka bolelwa hore dihlopha tse nyane di sebetsa hantle haholo. Boholo bo batlahalang, bo laolwa ke moo sehlopha se beileng leihlo teng, thomo ya sehlopha, maemo a ikgethileng a ka hare a sehlopha, hammoho le bokgoni ba komiti ya tsamaiso ho tsamaisa sehlopha le ho sebedisa tayo le ho ema e tiile mererong ya yona. Ho bohlokwa ho rerisana le mmuso wa setho (traditional authority) le/kapa baetapele ba setjhaba ntlheng ena ya bophelo ba temo ya setjhaba. Hore ho sebetswe ka mokgwa o hlwahlwa setjhabeng, tsamaiso ya sehlopha sa boithuto e tshwanetse ho qoba dikgohlano tse mabapi le hore ba bang ba qheletswe ka thoko kapa ba bang ba etsa dintho ba le bang. Dihlopha tse ding di thibela tsena ka ho bitsetsa balemi kaofela setjhabeng ho tla kopanong ya letsatsi la selemo la balemi.
Menyetla ya ho thuswa ka ditjhelete (Sponsorship).
Dikopano di tshwanetse ho tshwarwa kgafetsa ka nako tse itseng ho nnetefatsa hore mesebetsi ya sehlopha e tswela pele. Dikopano tsa kgwedi le kgwedi ha sehlopha se sa tswa hlongwa, di a kgothaletswa. Ha nako e ntse e eya, dikopano hang kgweding tse ding le tse ding tse pedi di bonahala e le kgetho e kgonahalang, le hoja mesebetsi ya temo ho ya ka sehla e bonahala e le yona e laolang lenane la matsatsi a sehlopha ka seng sa boithuto. Dibui tse fanang ka puo le ditsebi di bohlokwa ka ha di beha sehlopha se le maemong a ho tseba ditaba le tlhahisoleseding. Ho matleng a sehlopha ka seng ho kgetha ka hloko le ho memela dibui tsena dikopanong tsa sona. Ho jwalo feela le ka bafani ba bang ba ditshebeletso le ba neanang ka disebediswa tsa mapolasi. Dihlopha tsa boithuto di fana ka monyetla o motle haholo ho balemi ho laola boemo ba botsebi le ditshebeletso tseo di batlang ho di fumana.
Dihlopha tse hlwahlwa tsa balemi ke motheo wa ntshetsopele e hatetseng pele ya temo Afrika Borwa. "Ka ntle ho boetapele le mokgatlo, setjhaba se batla se sa tswele pele, le bona batho ba nang le ditalenta hara setjhaba ba thatafallwa ho phema mahlaahlela a tswelopele e tlase," ho realo Japie Grobler, mopresidente wa Agri SA. Senotlolo sa ho imatlafatsa ke ho hlophisa tshebetso ya balemi!
<fn>PulaImvula. Farmer1.2010-08-06.st.txt</fn>
Ba hlwailweng ho kenela Molemi ya Thuthuhang wa Selemo wa Mpumalanga hammoho le ba seng ba le sehlohlolong (finalists) ba se ba phatlaladitswe. Mohlodi o tla fumana kgau moketjaneng wa 250 Ton Club ka la 26 Phato 2010.
Apheos Masina o hlahetse Badplaas ka 1948. O nyalane le Christina Ncongwane, mme ba na le bana ba tsheletseng. O holetse Badplaas, mme ha a ka a kena sekolo. Ka 1965 a simolla ho sebetsa merung ya New Town, mme a boela a sebeletsa konteraka ya Kruger Construction, moo ba neng ba aha tsela ho tloha Barberton ho ya Badplaas. Lemong sa 1968 a simolla ho sebetsa polasi moo a neng a jala mefuta e fapaneng ya dijothollo le meroho e itseng. Hajwale ke sehwai sa poone, dinawa le meroho e itseng dihekthareng tse nne tsa mobu o lemehang.
Ke e mong wa majalefa a Ndwandwa Trust ya fumaneng polasi Badplaas, ya e fumaneng tlasa Kgutlisetso ya Mobu (Land Restitution). Ke monnamoholo ya mafolofolo, ya ikemiseditseng ho ithuta tse ngata.
Nkomisheni Mhlongo o hlahetse motsaneng wa Lebatowa la Nkomazi o bitswang Langeloop ka 1953. O holetse motsaneng ona, mme a simolla ho kena sekolo sa Driekoppies LP School ka 1959. A iswa Lomati Dry School ha a le sehlopheng sa pele (grade 3), mme a feta sehlopha sa botshelela (grade 8) ka 1971. Ka 1974 a nka lebenkele le lenyane la batswadi ba hae, a tswela pele ka lona. A nyala Nomasonto Ngwenya ka 1975, mme ba na le bana ba supileng; bashemane ba babedi le banana ba bahlano. Ba bang bana ba se ba sebetsa. Wa ho fejana o ntse a kena sekolo.
Hoba kgwebo e wele matsohong a hae, a e atolosa ka 1975 hore e be lebenkele le leholwanyane. O boetse a reka lounge tse pedi, a aha selakga, a reka diphoofolo. Hajwale o na le dikgomo tse 345.
Ka 1997 a etsa qeto ya ho kgutlela temong jwalo ka ha batswadi ba hae ba ne ba ntse ba etsa. A lema poone, matokomane, lehlaka la tswekere hammoho le dijothollo tse ding. Hajwale ke sehwai sa lehlaka la tswekere dihekthareng tse supileng hammoho le poone le dijothollo tse ding tse kang matokomane, butternuts, okra le dimango - tseo kaofela di lengwang hekthareng tse 20 tsa masimo. Poone e jalwa tlasa nosetso masimong a ka etsang dihekthara tse ka bang tshelela. O kgonne ho kotula ditone tse 40 tsa poone, tone tse 15 tsa matokomane le tse 20 tsa butternuts. Hajwale o kotula dierekisi.
Nyosi Mhlanga o hlahetse Gutshwa ka 1941, a holela moo tlasa mmuso wa setso wa ha Khumalo. Ke motsaneng o ka bang km tse 20 ho tloha White River ho la Mpumalanga. O qadile sekolong sa Gutshwa School ka 1952. A tlohela sekolo hoba a fete sehlopha sa bohlano ka 1959. Ka 1960 a simolla ho sebetsa Plaston e le mosebetsi wa lapeng. Boholo ba bophelo ba hae a sebetsa e le chef dihoteleng, hape e le waiter. A nyalana le Evah Khumalo (ya seng a hlokahetse) ka 1964. Ba bile le bana ba babedi, moshanyana le ngwanana. A lahlehelwa ke mofumahadi wa hae ka 2009. Hajwale o ituletse a le mong.
O holetse motseng moo ba neng ba lema mobu wa setjhaba. Ba ne ba lema poone, matokomane le dinawa tsa jugo. Ha a ntse a hola, o ne a ntse a hlokometse mehlape ya batswadi. O simollotse ho ba molemi ya ikemetseng ka 1978 ho fihlela ka 1982 ha ho kena komello e ileng ya mo qobella ho emisa ka temo. Yaba o sebetsa ka matsoho Ngodwana. A kgutlela temong ka 2003, a lema meroho, poone, dinawa tsa jugo le matokomane. A jala meroho hekthareng e le nngwe ya masimo, dijothollo tse ding tsona a di jala hekthareng tse nne. Tshingwana ya teko ya poone e se e ile ya jalwa ka dilemo tse pedi tse hlahlamanang.
Vincent Mdluli o hlahetse Mahukhube (Spelanyane), haufi le Nelspruit ka 1941, tlasa mmuso wa setso wa Mpakeni. Ke motse o monyane o km tse ka bang 50 ho tloha Nelspruit ho la Mpumalanga. A simolla ka sekolo Roman Catholic Church School Daantjie Trust ka 1949. A tlohela sekolo ka 1957 hoba a fete sehlopha sa bosupa. A simolla ho sebetsa ka matsoho (labourer) Nelspruit Sawmill ka 1960. Ka 1964 a phahamiswa ho ba Supervisor, mme a tlohela khamphane ka 1972. Ka 1976 a hirwa ke ba Ellerines Furniture Shop jwalo ka morekisi, mme a phahamisetswa boemong ba ho ba Supervisor ka 1980. A tlohela Ellerines ka 1999.
A nyala Josphinah Mndawe ka 1964 - Eo a hlokahala ka 2003. Ba bile le bana ba tsheletseng; bashemane ba babedi le banana ba bane. Ngwana wa bona wa pele a hlaha ka 1966, wa ho qetela ka 1985. Ka 2007 a nyalana le Nonhlanhla Mavuso, ha ba na bana.
Vincent a holela polasing ka ha batswadi e bile batho ba polasi. Ba ne ba lema ka dipholo masimong. O ne a rata diphoofolo haholo le ho jala dijothollo ha a ntse a hola. Ka 2003 a simolla ho ikemela a le mong tshebetsong ya polasi.
A simolla ka ho lema poone, matokomane le dinawa tsa jugo ka 2003 dihekthareng tse ka bang leshome ho isa ho leshome le metso e mehlano tsa masimo. O sa tswa etsa setswalle sa tshebetso le Mong. Eros Mazibuko, mmuelli (advocate) ya mo thusang ka tjhelete polasing ka mokgwa o atlehileng haholo. Hajwale ba jala dihekthare tse ka bang 30 tsa poone, tse tsheletseng tsa matokomane le tse pedi tsa dinawa tsa jugo. Ba hirile basebetsi ba robedi le bakganni ba bararo ba diterekere. Ba na le diterekere tse nne, lelwala le le leng la hamore, mehoma e meraro, mehoma e mmedi ya disc, plantere, dikofolo tse pedi le setabodi (ripper) se le seng. Vincent o boetse o na le kgomo tse 11 le dipodi tse 15.
<fn>PulaImvula. Farmer2.2010-08-06.st.txt</fn>
Molemi ya Thuthuhang wa Selemo wa Kapa Botjhabela - mohlodi ke...
Photos: Bruce Nqezo, Simphiwe Tshabu, Leonard Nondonga, Colbert Timakhwe and Caledon Quta.
Ba hlwailweng hammoho le ba fihlileng qhoweng e leng molemi ya thuthuhang wa selemo wa Kapa Botjhabela, ba se ba phatlaladitswe. Ya hlotseng o tla phatlalatswa moketjaneng wa 250 Ton Club ka la 26 Phato 2010.
Bruce o dilemo tse 56, o hlahetse Kwadike A/A ho la Lusikisiki. O pasitse materike, mme a sebetsa Gold Fields ho la Vaal Reefs lemong tsa 1974 - 1976. A kgutlela lapeng moo a ileng a sebetsa e le mokganni wa terekere Lefapheng la Temo, a boela a sebetsa e le Mothusi wa Ntshetsopele. O nyetse ka 1984, o na le bashanyana ba bararo le banana ba babedi. Mora e mong o tshwarahane le dithuto tse phahameng ha ba bang ba sa ntse ba le sekolong sa sekhonthari. Bruce a fellwa ke mosebetsi wa ho kganna terekere ka 2000. Ka mora moo, a simolla ho hlahisa poone dihekthereng tse pedi tsa masimo. Hajwale o hlahisa poone, dinawa le ditapole diherkthareng tse hlano.
Simphiwe Elliot Tshabu o hlahetse Ntshiqo, lebatoweng la Tsamaiso la Tsolo. A kena sekolo sa poraemari ho fihlela sehlopheng sa bone (kereiti ya 6). A sebetsa Cape Town dikepeng nako ya dilemo tse tsheletseng, hape a boela a sebetsa dilemo tse 20 Vandarly Esco. Ka 1997 a kgutlela lapeng, a simolla ka dinku le dikgomo. Ka nyona nako eo a hlahisa poone, dinawa le ditapole masimong a motse. O nyetse ka 1982, mme yena le mofumahadi wa hae ba na le bana ba tsheletseng; bashemane ba bararo le banana ba bararo. Mora e mong o a sebetsa ha ba bang bona ba sa ntse ba kena sekolo. Ka baka la ho fellwa ke mosebetsi merafong, Simphiwe a etsa qeto ya ho sebedisa masimo ho hlahisa dijo le ho kenya tjhelete. Hajwale o hlahisa poone dihekthareng tse 14.
Leonard Nondonga o hlahetse Njezweni, Lebatoweng la Tsamaiso ka 1950. A kena sekolo sa ba tlase (junior) ho fihlela kereiting ya 8. A sebetsa indastering ya merafo Rustenburg, morafong wa platinum lemong tsa 1981 - 1988. A nyala ka 1977, mme o na le bashemane ba bahlano - ba babedi ba a sebetsa, ba bararo ba sa le sekolong. Ka 1989 a fellwa ke mosebetsi morafong. A kgutlela lapeng, a simolla ho sebetsa masimo, a hlahisa poone le dinawa. Hamorao a reka terekere ho phethola mobu ka nepo le ka potlako. Hajwale o etsa mosebetsi wa konteraka o mo kenyetsang tjhelete. Leonard o sebedisa dihekthara tse 4 tsa mobu wa setjhaba.
Colbert Timakhwe o hlahile ka 1944. O hotse le batswadi ba hae bao e neng e le balemi. A kena sekolo sa poraemari, mme a qeta sehlopha sa 5 (kereiti ya 7). A ya sebetsa merafong ya kgauta Lesley, Transefala Botjhabela, dilemo tse leshome. A tlohela merafo ka 1989, a ya Cape Town moo a sebeleditseng Murray Construction. Ka 1991 a kgutlela lapeng, a shebana le temo. A nyala nakong eo a leng Teransefala ka yona, mme yena le mofumahadi ba na le bana ba tsheletseng; bashemane ba bane le banana ba babedi. Bashemane kaofela ba a sebetsa, mme ngwanana a le mong yena o sa ntse a kena sekolo. Colbert a sebeletsa molemi, mme nakong ya lemo tse tharo a ba le boiphihlelo tlhahisong ya tsa temo. Hajwale o hlahisa poone dihekthareng tse hlano tsa masimo.
Caledon Qutha o hlahetse Njijini, lebatoweng la Tsamaiso ka 1959. A holela moo, a kena sekolo sa poraemari moo. A kena Sekolong se Phahameng sa Mt Frere moo a fumaneng sertifikeiti sa kereiti 12 hammoho le Diploma ya Botitjhere. Yaba o ya Cape Town moo a sebeditseng dikolong tse ngata. A nyala ka 1983, mme yena le mofumahadi ba na le bana ba babedi; moshemane le ngwanana. Ka 1989 a ba le lebenkele la dikorosari, a rekisa ditholwana le meroho. A hira lebenkele (general dealer shop) ka 2004, mme a kgutlela hape Njijini ho la Mt Frere moo e leng monga lebenkele motseng wa ha habo. Caledon a ba le tjheseho ya ho lema poone hobane batho ba bangata ha ba sa hlahisa poone, e leng dijo tsa letsatsi le letsatsi. Ho teng masimo a mangata a setjhaba a sa sebedisweng. A kgahlwa haholo ke balemi lebatoweng la Kokstad ba hlahisang poone e ngata. Hajwale Caledon o hlahisa poone dihekthareng tse 20.
<fn>PulaImvula. FarmerMaize.2008-12.st.txt</fn>
Caption 2: Neels Ferreira (Grain SA), Johan Kriel (Mohokahanyi Provenseng), Laboius Manoto le Tonie Loots (Mohokahanyi Provenseng).
Mohlodi tlhodisanong ya Grain SA ya Molemi ya Tswelang pele wa Selemo o ile a phatlalatswa phirimaneng ya ditletle e neng e tshwaretswe The Theatre on the Track mane Kyalami ka la 17 Mphalane 2008. Ka tlhodisano ena, Grain SA e lakatsa ho ananela bohlwahlwa indastering ya temo ya poone hara balemi ba tswelang pele le ho fana ka mehlala ho ba bang ba kenang indastering ena.
Ho hlwailwe mabitso a tsheletseng a ba kenelang Tlhodisano ya Selemo ya Molemi ya Tswelang pele.
Isaac Khuto wa Ficksburg, Foreisetata.
Molemi ya Tswelang pele wa Dijothollo wa selemo sena ke Labious Manoto wa Mooifontein, seterekeng sa Leboya Bophirimela. Re rata ho thoholetsa Labious Manoto le ba bang ba kenetseng tlhodisano mabapi le katleho ena ya hae.
Tlase mona ke maikutlo a mmalwa a entsweng ke sehlopha sa baahlodi ka mora leeto mabapi le Labious.
Matla - Boinehelo bo matla, sebetsa ka thata. Boiphihlelo. O tseba kgwebo ya hae.
Kgothaletso - O tshwanetse hore e be e se e le molemi wa mohwebi.
Matla - O na le diterekere le disebediswa tse lekaneng. O tseba seo a se etsang, dijothollo tsa hae di shebahala di le ntle, le disebediswa tsa hae di sa le boemong bo botle. Maphephe a matle le setsha sa ho sebeletsa.
Matla - O na le masimo, o na le disebediswa, o na le bara ba babedi ba sebetsang le yena, mme o na le dilemo tse ngata tsa boiphihlelo.
Matla - Bohwai bo botle bo tswakantseng poone, soneblomo, dinku le dikgomo. Ke molemi ya tiileng ya nang le dilemo tsa boiphihlelo. O na le lethathamo la diterekere hammoho le disebediswa tsa tsona, hammoho le maphephe le ditsha tse ntle tsa ho sebeletsa. O na le tsebo e ntle le kutlwisiso e ntle ya temo, o tseba seo a se etsang le hore o se etsa ka mabaka afe. O sebedisa keletso ya bafepedi ba dihlahiswa - peo, manyolo le dikhemikhale.
Bofokodi -Monna enwa o se a hlaotse bofokodi ba hae, mme mosebetsi wa hae wa polasi o na le phaello, tshwarello le ho tiya.
Dikgothaletso - Molemi enwa o etsa tsohle ka nepo, mme o fihlelletse mehato e lebelletsweng ho mohwebi wa mmakgonthe.
Matla - O na le boiphihlelo bo botle ba bolemi le tsebo e ntle ya bolemi. Mebu e metle e sebediswang hantle le matla a lekaneng a terekere le disebediswa.
Kgothaletso - Tshwara jwalo mosebetsi ho ya ho ile!
Matla - Boiphihlelo bo botle, mobu o motle le pula e ntle hammoho le diterekere tse ntle le disebediswa.
Bofokodi - Taolo ya mahola e lokela ho elwa hloko - haholoholo jwang ba 'kwekgras'. Ho mmaraka ha hae ho ka nna ha ntlafatswa.
Kgothaletso - Hlokometse ho ba le matla a lekaneng a diterekere ha naha e ntse e hola. Fuputsa masimo mabapi le nosetso.
Matla - O na le tsebo e ngata ya seo a lokelang ho se etsa.
Kgothaletso - O tshwanetse ho kena ka setotswana matsatsing a balemi le dithutong mabapi le diphetoho tsa moraorao le tsebo ya moraorao.
Matla - Monna e MOHOLO - eta tse kgolo - menyabuketso e meholo - ya lokelang ho salwa morao. Mohlala o ka kenyang mafolofolo ho ba bang - haholoholo bara ba hae. O kenya Tshepo ya hore temo ya nako e tlang, matsohong a kang ana, e tla tiya. O fihlelletse tse ngata le hoja a ile a kopana le dilemo tsa mathata le ho hloka menyetla. Ke a mo hlompha le ho ema ke maketse. Enwa ke monna ya tswileng ka mahetla hara ba bang. E le molemi, o ntse a hola, mme ha a tshabe ho bonahatsa bofokodi ba hae moo a hlokang thuso teng - thuso eo a nang le bonnete hore o tla e fumana.
Kgothaletso - Molemi wa Selemo sa 2008!
<fn>PulaImvula. FarmerOfTheYear(maize).2010-12-01.st.txt</fn>
2010 Molemi wa selemo - tlholo tsa Foreisetata hape!
Photo: William Matasane, Molemi wa 2010 wa selemo.
Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta, e bile phehisano ya setswalle pakeng tsa diprovense tse pedi tsa bohlokwa tsa dijothollo, Foreisetata le North West.
Jwalo ka ha o lemoha, hara bahlodi ba robong, ba bahlano e bile ba provense ya North West, mme ba bane e bile ba provense ya Foreisetata. 2011e tla ba selemo se matla haholo, moo re tla sheba hore ke provense efe e tla hlahisa bahlodi ba hlahelletseng ka mahetla!
William Matasane ruri ke mohlodi wa makgonthe wa selemo sena. Enwa ke monna ya nkileng temo e le pitso ya hae, mme mosebetsi wa hae ke o tswileng matsoho. Jwalo ka ha ho boletswe mangolong a nako e fetileng, William ke sehwai sa poone le soneblomo; o na le mohlape wa dikgomo tsa nama le dinku tse mmalwa. O itheketse polasi ya hae, mme o hirile mobu o mong wa tlatsetso hore a atolose mosebetsi wa hae. William ke monna wa lelapa, ya inehetseng ka hohlehohle, mme ke ramosebetsi ya nang le leihlo la mohau - ka mantswe a mang re ka re mohlodi. Re mo lakaletsa mahlohonolo ruri. Tshwara jwalo, mora Matasane!
<fn>PulaImvula. FarmerOfTheYear(maize).2011-06-07.st.txt</fn>
Judges: Ditho tsa baahlodi e bile Karabo Peele, Jane McPherson, Gerhard Mamabolo, Jenny Mathews, Dirk van Rensburg le Willie KotzÃ©.
Koos: Koos le Lydia Mthimkhulu kitjhineng ya bona.
Thando: Thando Lolwane o itokisetsa ho sebetsa masimong.
Malefane: Malefane Makubo ha a hlalosa lerato la hae la temo.
John: John Dipane masimong a hae.
Boy: Boy Mokoena o bontsha baahlodi soneblomo ya hae.
David: David Motswene masimong a hae.
Eka tshomo ho nahana hore re fihlile nakong ena ya selemo hape. Re entse qeto ya ho etela balemi mathwasong a selemo hore re bone dijothollo di sa le tala.
Re nkile leeto ho tloha ka la 11 ho fihlela ka la 14 Mmesa, mme baahldi e bile Karabo Peele (Maize Trust), Gerhard Mamabolo (AgriSETA), Jenny Mathews (sehlopha sa tshebetso), Dirk van Rensburg (sehlopha sa tshebetso), Willie KotzÃ© le Jane McPherson (mosebeletsi wa lenaneo).
Re ne re thabile haholo ho fuwa mpho ya koloi ke ba Volkswagen ba Klerksdorp ho e sebedisa nakong ya ketelo, mme ka baka lena re kgonne ho tsamaya mmoho.
Koos o hlahetse Paul Roux, polasing ya Julius Bobbert. A kena sekolo sa polasing ho fihlela Sehlopheng sa 1. Ho tloha dilemong tsena tsa bongwana, a bapala le bana ba molemi ho fihlela ha a etsa mesebetsi e fapafapaneng polasing. A simolla ka ho hama dikgomo tsa lebese, a sebetsa ka dikgomo tsa nama le ka mehlape e meng, hamorao a kganna diterekere le ho sebedisa disebediswa tse ding tsa temo dilemong tse hlano. Koos e bile mokganni wa lori polasing, mme a simolla ho tjheselletsa ditshepe, a lokisa disebediswa. Ha a le dilemo tse 26 a ya polasing e bitswang Mieliebult ya Frikkie du Preez moo a ithutileng tse ngata ka disebediswa tsa temo, ho tjheselletsa ditshepe le ho jala dijothollo.
Frikkie o bile le seabo se seholo ntshetsopeleng ya Koos ho tloha ha e le mosebeletsi feela wa polasi ho fihlela a eba molemi wa mohwebi ka boyena. A fumana boiphihlelo bo bongata ha a ntse a sebeletsa Frikkie. Frikkie a mo rekisetsa disebediswa tse ngata tseo Koos a kgonneng ho di lefella ha tjhelete e ba teng. Ka ho sebedisa tseo a di rekileng ho Frikkie, Koos a iketsa rakonteraka, mme a sebeletsa balemi ba bang ba thuthuhang lebatoweng la Senekal. Mosebetsi ona wa kenya tjhelete eo a kgonneng ho lefella disebediswa tsa hae ka yona.
Koos a fumana diterekere tsa John Deere 3140 le 265 Massey Ferguson le disebediswa tse ding tsa mosebetsi wa bokonteraka. A tsetela e nngwe ya tjhelete ya konteraka dikgomong. Hamorao a hira dihekthara tse 55 tsa mobu o lemehang moo a ileng a jala poone, a kotula palohare ya ditone tse 3 hekthara ka nngwe selemong sa pele. A fumana polasi, Astoria, ka 2007 ho ba Lefapha la Ditaba tsa Naha moo hajwale e leng molemi wa mohlokomedi. Koos ke molemi ya nang le bokgoni, mme o re o thabela tshehetso ya Grain SA le ya Lefapha la Ditaba tsa Naha, le tseo ba mo etseditseng tsona, empa o lemoha hore nakong e telele tlhahiso ya hlahlafethe, mosebetsi ha o etsetswe makgethe, ha e sebetse mobung o haellang. Dikonteraka di sebetsa selemo le selemo, mme konteraka e saennweng hajwale pakeng tsa Lefapha la Ditaba tsa Naha e simolla ka la 10 Pudungwana 2008 ho fihlela ka Pudungwana 2009 ka monyetla wa hore ba Ditaba tsa Naha ba ka ntjhafatsa konteraka ya selemo haeba polasi e hlokometswe hantle, mme e sebetswa hantle. Nakong e fetileng ho ne ho kgonahala hore molemi a fumane thaetleledeed ya masimo, empa dintho difetohile jwale, mme ha ho a hlaka hore ekaba Koos o tla ke a fumane thaetlele na. Ba ditaba tsa Naha ba thabile haholo ka mosebetsi o etswang hajwale ho fihlela mona, mme ba bontshtse hore tumellano le mohlokomedi e ka nna ya ntjhafatswa.
Ka ha Koos a tshwenyehile ka molemo wa tlhahiso ya dijothollo mobung wa bokgoni bo tlase lebatoweng la Senekal, o batla ho eketsa kgwebo ya hae ya konteraka. Hape o ntse a batla mobu wa bokgoni bo phahameng oo a ka o hirang mabapi le tlhahiso ya poone le soneblomo. Ba boetse ba batla ho eketsa palo ya dikgomo tsa nama polasing. Tse ding tsa sehlooho tsa tse mo tshwenyang ke ditlwaelo tse fosahetseng tsa Lefapha la Temo ha re etla tabeng ya ho nehelana ka disebediswa ho balemi. Koos o rata ho phahamisa boemo ba phepelo ya metsi dikampong tsohle tsa polasi ya hae, ho reka dikgomo tse ngata le ho hloma makgulo a nako tsohle mebung e sa tebang.
Koos ke mohlala wa motho ya qadileng a se na letho, mme a nyoloha ho fihlela mona moo a leng teng kajeno. Ho etsa hore motho a ikutlwe a le motlotlo ha a etela polasi ya hae hobane ntho e nngwe le e nngwe e maemong a matle, e hlokometswe ka makgethe jareteng. Disebediswa kaofela tsa hae di bolokilwe hantle, di bolokilwe tlasa marulelo. O nyetse Lydia, mme o na le bana ba bararo, baradi ba babedi ba seng ba nyetswe, le mora, e leng Clifford. Petunia, e mong wa baradi ba hae, ke graduate ho tsa temo, o sebetsa jwalo ka ofisiri ya katoloso lebatoweng la Ficksburg. Clifford o entse thuto ya lemo tse pedi ho tsa tsamaiso mmarakeng le temong, o sebeditse sepoleseng dilemo tse pedi, mme jwale o polasing le ntatae ka nako tsohle. Ke motho ya matla ho tsa metjhine, mme sena se bonahala ka boemo ba disebediswa tsa hae. Koos le ba lelapa ba dula polasing, ke mohlala o motle wa mofuta wa phetoho eo lefapha lena le e batlang.
Thando o hlahile ka 1957 Gelukspan (Bapong). Ke mora wa borobong wa bana ba 12 ba Stention le Francinah Lolwane. O qadile ka sekolo sa Motswenyane Primary School ho tloha ka 1966 mme a tlohela ka 1971 hoba a fete sehlopha sa 5 (Kereiti ya 7).
Ka 1997 a qala ho sebetsa Stilfontein Panelbeaters e le mosebeletsi hara ba bang, a ya sebetsa Marico Foodstar e le ya tsamaisang metjhine dikgwedi di se kae. A ya sebetsa Stilfontein Goldmine e le mokganni wa terene ka morafong.
O nyetse Atholia Lolwane, mme ba na le bana ba bahlano, baradi ba babedi le bara ba bararo. Wa pele Jacob (32) hajwale o sebetsa Health Department, Schweizer-Reineke. Progress (30) o sebeletsa Social Development. Gladwin (28) o sebeletsa sesole sa tshireletso, hajwale o sebetsa le ntatae polasing. Primrose (24) o etsa dithuto tsa temo Taletso FET ha Nomvuyo (16) a etsa Kereiti ya 10 Bethel High School. Gladwin rata temo haholo, o thusa ntatae polasing.
Thando o simollotse ka temo ka 1982 ka ho thusa ntatae. Ka 1983 a kgona ho fumana kadimo ya tjhelete ho ba Agribank (Bophuthatswana), a simolla ho temo ya dihekthara tse 75 ka terekere e le nngwe. Ka 1989 a reka terekere e nngwe, 6010 Ford tractor. O rekile polasi ya dihekthara tse 400 Klippan, a hira e nngwe ya dihekthara tse 249 Lareystryd, le ya mobu wa setjhaba Gelukspan. Ka 2008, Thando ya ba Molemi e Motjha wa Kotulo ya Selemo wa Toyota. Ho ya ka Thando temo ke bophelo!
Malefane o hlahetse Petrus Steyn ka la 25 Loetse 1949. O holetse polasing ya Mr. C.A Claasen lebatoweng la Petrus Steyn. A simolla ka sekolo, a qeta Kereiti ya 4 Danielsrus Primary School pela Petrus Steyn. Malefane o rata temo, mme o e sebeditse a le dilemo tse pedi. O ne a sebetsa e le mosebetsi ya feletseng ha a le dilemo tse 15. Malefane o re ka nako eo o ne a fumana moputso wa 50 sente ka kgwedi, mme o kgonne ho fumana moputso o feletseng (R2 ka kgwedi) ha a se a kgona ho jara mokotla wa poone (200 lbs) hlohong!
Malefane a tlohela polasi, a sebetsa VKB - o bolela hore moputso wa hae o ne o le motle, mme hona ha etsa hore a kgone ho nyala (e ne e le R10 ka kgwedi). Ka mora dilemo tse itseng, molemi wa mohwebi a mo kopa ho kgutlela polasing. O re ba phela hantle, mme o ne a atisa ho fumana ditlhapiso (bonus) tsa mekotla e 20 ka mora kotulo - ena e ne e le tjhelete e ntle.
Malefane o ne a rata ho sebetsa ditoropong tse kgolo dibakeng tsa meaho, mme ka hoo, a ya Qwa-Qwa hore bukana ya hae ya pasa e mo dumelle ho tloha sebakeng seo. Ka 1990 Malefane a etsa qeto ya ho tloha toropong, a ya QwaQwa moo a ileng a reka polasi teng. Qalong, o ne a mpa a hiriseditswe polasi (R3 500 ka kgweditshelela), empa hamorao a kgona ho ithekela polasi ya hae ka kadimo ya tjhelete ho ba Land Bank, eo a seng a e lefile ka ho phethahala. O rekile polasi ya dihekthara tse 560, mme tse 200 ke mobu o lemehang.
Malefane o bolela hore o ipoleletse hore o tla lefa dikadimo tsa hae ka tjhelete efe kapa efe e ka kenang polasing ya hae - ditlhoko tsa hae di emela morao ho fihlela a lefile tjhelete ya kadimo. O se a lefile tjhelete tsohle tseo a di adimileng, mme jwale o tshwere temo ya koro, poone, dinawa tsa soya, dinawa tse ommeng, nama ya kgomo, mme o rekisa le lebese (dairy e nyane). Malefane o bona bokamoso, o natefelwa ke temo.
John o hlahetse polasing ya Vaalbank, lebatoweng la Senekal. A kena sekolo sa polasing sa Vaalbank ho fihlela Kereiting ya 6. Ka mora ho ba polasing dilemo tse nne, a kena Lefapheng la Ditsela ka 1970, ya ba mosebedisi wa kereitara. Ka dilemo tse 23 ya ba mokganni wa dikereitara Lefapheng la Ditsela le la Mesebetsi ya Setjhaba. John o nyalane le Jeanette (ya rutileng sekolong sa poraemari Senekal dilemo tse 30), bana ba bona ba se ba nyetse.
John le metswalle e mene ba rekile polasi Rooikoppies empa ba e rekisetsa Monghadi Mohapi ka 2005. John a reka polasi ya Concordia ka thuso ya ba Ditaba tsa Naha ka 2005. O se a na le thaetlele deed ya polasi. O thabile haholo ka thuso eo a seng a e fumane ho Lefapha la Temo le Grain SA. Ke molemi ya sa senyeng. Polasi ya hae e etsa dihekthara tse 277, hape o hira dihekthara tse ding tsa tlatsetso tsa mobu o lemehang.
Tse ding tsa diphephetso tse mo tshwenyang ke ditjeo tse phahameng tsa tse kenngwang mobung le ditheko tse tlase tsa dijothollo. Mekgwa ya hae ya temo e metle, o sebetsa ka disebediswa tse ntle polasing. Ka ha John ha e sa le mohlankana, o hlophisa dintho tsa hae hore a phethe mesebetsi ka nako.
Boy o hlahetse Middleburg ka 1948 polasing eo batswadi ba neng ba sebetsa ho yona. O nyetse, bana ba bane. Ha a eso kene sekolo bophelong ba hae, tsa temo o ithutile tsona ha a ntse a sebetsa e le modisa. Hajwale o na le dikgomo tse makgolo a mabedi. Matsatsing ao, ba ne ba qobellwa ho kena sekolo, mme ka baka lena, lerato la hae la temo le nnile la eketseha.
O simollotse ho sebetsa mapolasing a bahwebi, a tloha boemong ba ho ba mosebeletsi feela, a ba a kganna terekere, a qetella e le foromane. Ka ha e kile ya ba modisa, hape a boela a ba le lerato le matla la ho hweba ka dikgomo. Jwale o na le dikgomo tse makgolo a mabedi tseo a hwebang ka tsona.
Dilemong tse ka bang 15 tse fetileng, Boy o ne a na le dikgomo tsa nama tse ka bang 800, mme e nngwe ya diphoso tse kgolo tseo a kileng a di etsa ke ho rekisa dikgomo ho lefella disebediswa tsa hae le ho lema dijalo tsa mofuta wa monawa. Boy hape o bile le centre pivot ya dihekthara tse ka etsang 40 polasing ya hae e simollotseng dilemong tse hlano tse fetileng. Ka bomadimabe mehala ya dikheibole ya centre pivot e ile ya utsuwa le setseishene sa pompo tsa utsuwa.
Ka ho se rutehe, Boy ha a ka a sitisa bana ba hae ka ho se ba fe thuto. Ba bararo ba bana ba hae ba ile ba tloha sebakeng sa mapolasi, mme jwale ba sebetsa hantle metseng e meholo ya ditoropo. Moradi o mo thusa ka tsamaiso le ditaba tsa ditjhelete polasing.
Ka bomadimabe, Boy o bona lefifi feela ka sehla se tlang. E ka ba taba e bohloko haholo ha re ka lahlehelwa ke motho ya tjena ya etsang tsohle ka boyena.
David o hlahetse Middleburg ka 1949 polasing ya Patatfontein. O ne a thusa ntatae le ntataemoholo polasing, mme ka hoo lerato la temo la hola a sa le monyane. Ba ne ba sebedisa mokgwa ola wa kgale o bitswang "derde deel" moo ho neng ho panwa dikgomo le ho jala, mme ha nako ya kotulo e fihla ba ne ba fumana feela karolo ya boraro ya dijothollo.
Ditaba tsa David tsa ditjhelete di tshwerwe ke yena ka sebele ka ha o na le dikgwebo tse ding tse kang Naga piggery e tswetseng pele haholo le ho hlokomelwa hantle. O dumela tabeng ya hore mosebetsi o mong le o mong o ikemele ka bowona, mme ha o sa atlehe o a o kwala. O reka dipeo tsa hae ho ba Monsanto, mme ha ho GM tsa letho tse sebediswang. Dikhemikhale di rekwa ho ba Quemico, manyolo ho ba Sasol Nitro. O kgotsofetse ka dikhamphane tse mo thusang ka tse kenngwang mobung hobane ha ba nyamele ha motho a se a rekile..
David o ne a sa rate ho ntsha maikutlo ka seabo sa Mmuso Temong, le tabeng ya ho ntshetsa pele balemi. O dumela hore katleho ya hae e matsohong a hae le ditjheleteng tsa hae, mme karolo ya katleho ya hae ke hore ha a dumele tabeng ya ho paroletsa (short cut). Tsela e nngwe feela, mme ke tsela e nepahetseng.
Tshoso ya sehlooho ke tshenyo e bakwang ke tlhaho, jwalo ka komello, sefako, kapa kotsi efe kappa efe ya tlhaho. E nngwe ke ho se tsetse ha mmaraka moo ditjeo tsa tse kenngwang mobung di sa nyalaneng le ditheko tsa dijothollo ka bala la tlhahiso e fetang tekano.
David o rata ho atolosa tshebetso ya hae le ho lema dihekthara tse ngata, mme o na le bokgoni ba ho fihlella seno hobane o na le metjhine. Hore a phele nakong e tlang, ho hlokahala hore a hlopholle mmaraka hantle, mme a leme tse nepahetseng jwalo ka ha ditlhoko tsa batho le tsa ikhomomi di lebelletse.
Tlhodisano ena e haufi, empa re motlotlo ho phatlalatsa hore ba bararo ba thontsweng ke Thando Lolwane, Malefane Makubo le Koos Mthimkhulu. Re ba lakaletsa katleho.
<fn>PulaImvula. FarmersDaysMaize.2009-01.st.txt</fn>
Hobaneng re ena le matsatsi a balemi le diteko tsa dipontsho?
Sepheo ka Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho etsa le ho hlokomela ditshingwana tsa diteko moo bahlahisi (balemi) ba bontshwang melemo ya tokiso e nepahetseng ya mobu, manyolo, kgetho ya mofuta wa sejothollo, taolo ya lehola le diboko hammoho le kotulo.
Basebetsi lenaneong ba hokahanya ho etswa ha diteko tsena le batho ba bang ba nang le kabelo indastering - rakonteraka, dikhamphane tsa dipeo, tsa manyolo le tsa dikhemikhale tsa temo e le hore bahlahisi ba pepesetswe tlhahisoleseding e ntle ka ho fetisisa ya tlhahiso le maqheka a jwalo.
Hang ha ho se ho hlwailwe ditsha moo diteko di ilo etsetswa ho tsona, ho bohlokwa hore bahlahisi ba ntseng ba thuthuha lebatoweng leo ba pepesetswe dintlha kaofela tsa ho jala le ho hlokomela ha dijothollo tse tseo ho rerilweng hore di tla jalwa ditsheng tseo. Matsatsi a balemi a fana ka menyetla yah ore bahlahisi ba kopane le ba bang, le dihkamphane tse fepelang ka disebediswa hammoho le batho ba bang ba nang le kabelo indastering, e leng ba ka memelwang matsatsing ana - bahlahisi ba iphumanela ditaba tse ngata le ho pepesehela tse ngata mereropng e kang ena.
Lawrence Luthango (ya nnileng a sebetsa ho tloha ka Motsheanong 2008), Kapa Botjhabela ya ileng a tshwara matsatsi a balemi a seng makae.
Inshorense ya tse sebediswang mobung.
Lenaneong la rona, re leka ho kenyeletsa bohle ka ho fapana ha bona, ba nang le kabelo indatsering ya temo ntshetsopeleng ya bahlahisi - e mong le e mong o na le kabelo ya hae ya seo a se tsebang haholo. Kgokahano e hlokolosi haeba tswelopele e lokela ho tsitsa le ho tshwarella.
<fn>PulaImvula. Farming.2008-11.st.txt</fn>
Temo e fupere dife?
Mohlomong re ke ke ra fosa ha re re haesale temo e le teng jwalo ka ha re e tseba kajeno, mobu o leng teng lefatsheng, o ka sebediswang, o na le meedi.
Ho teng ditlwaelo tsa tlhahiso (mohlala, tlhahiso ya hydroponic), e etsang hore tlhahiso e kgonahale ntle le tshebediso ya mobu e le moo dimela di melang teng, empa mabapi le boholo ba temo, mobu o sebedisetswang tlhahiso o sehetswe meedi, o na le moo o fellang teng. Ka kakaretso, temo e shebane le tlhahiso ya dijo le tshwele (fibre). Mofuta wa temo e sebediswang lebatoweng kapa naheng efe kapa efe, o theilwe dinthong tse itseng, tse kang, tlelaemete, mobu le tlwaelo ya nako e fetileng. Batho ba dulang hole le masimo a temo ba na le tlhoko ya motheo ya ho fepa le ho tshehetsa ba malapa a bona - tshireletso ya dijo tsa lelapa. Ha feela ditlhoko tsa lelapa di se di kgotsofaditswe, ke hona tlhahiso e ka shebanang le mehato ya kgwebo, e leng moo tse hlahiswang di hlahiswang di le ngata, mme di rekiswang hore tjhelete e kene.
Mengwaheng e mengata e fetileng, ho ile ha hlaka hore dinaha tse ka qobang koduwa ya mofuta ofe kapa ofe, ke tse nang le dijo tse lekaneng. Ho ya ka ditlwaelo tsa sejwalejwale tsa tlhahiso ya dijo, dinaha tse ngata di kgona ho hlahisa dijo le tshwele e ngata ho feta eo dinaha tseo di di hlokang. Dinaha tse ngata tse tswetseng pele di hlahisa dijo tse ngata ho feta tseo di di hlokang, mme ha re sheba ka ihlo la kgwebo, re lemoha hore ka ha tlhahiso e feta tlhoko, sena se baka hore ditheko di theohe, e leng se kgannang bahwebi ba bang hore ba emise ho hlahisa sejothollo sa mofuta oo. Dinaheng tse ngata, bahlahisi ba fumana tshehetso e le hore ba kgone ho tswela pele ka tlhahiso hobane mmuso wa naha o batla ho etsa bonnete ba hore naha kaofela e tshireletsehile lehlakoreng la dijo.
Dinaha tse hlahisang dijo tse ngata ho feta tseo di di hlokang di romella thepa ena e ngata dinaheng tse ding. Hangata thepa ena ha e fihla dinaheng tsena e fihla teng e le thekong e tlase ho feta eo naha eo e ka hlahisang dijo tse jwalo ka yona. Hona e ka ba sephetho se tswalwang ke tshehetso ya ditjhelete (subsidy), empa ka nako e nngwe e ka nna ya ba dintho di jwalo ka baka la maemo a leng matle haholo a tlelaemete mabapi le tlhahiso ya dijo (mohlala, bahlahisi na New Zealand ba ka hlahisa lebese ka ditshenyehelo tsa tlase haholo makgulong a bona, mme ka hoo ba kgona ho romella ka ntle dihlahiswa tsa lebese dinaheng tse ding moo ditjeo tsa tlhahiso di phahameng haholwanyane).
Jwalo ka ha re boletse, mobu o leng teng mabapi le tlhahiso ya dijo le tshwele naheng efe kapa efe, o sehetswe meedi. Mabapi le tshireletso ya dijo tsa naha eo, ho bohlokwa hore mobu oo ohle o setseng o sebedisetswe tlhahiso. Le ha ho le jwalo, mobu o kgona feela ho ka sebedisetswa tlhahiso ha feela bahlahisi ba kgona ho etsa phaello tlhahisong. Re qakehile hajwale ka ha ditjeo tsa tlhahiso ya poone, soneblomo, mabele le dinawa tsa soya, di sa tswa phahama kapele haholo, mme sena se kenya letswalo phaellong e ka etswang dijothollong.
Re tshwanetse ho eletsa bahlahisi ho etsa eng?
ka poreisi tone ka nngwe e fetang ditjeo tsa bona tsa tlhahiso.
hona ho ba le tshireletso mabapi le dijo.
ho fumana mmaraka, mme o hlahise feela tse hlokwang ke mmaraka oo.
Ha e le mona sehla sa ho jala se feta, re o lakaletsa katleho. Kgotso, Pula, Nala.
<fn>PulaImvula. February(maize).2011-02-08.st.txt</fn>
Moferefere o bang teng nakong e nngwe le e nngwe ya sehla ha ho jalwa dijothollo tsa lehlabula o tshwanetse ho kokobela, mme molemi o tshwanetse hore a be boemong ba ho sheba dijothollo tse ntseng di eme masimong. Tshepo ke ya hore palo ya dimela ke e lekaneng, le hore mmala wa dijothollo ke o batlehang, o botala bo fifetseng, le hore ha ho mahola a hlodisanang le dimela - ka bokgutshwanyane, tshohle di tshwanetse ho ema di loketse kotulo e kgolo.
Le ha ho le jwalo, hangata tsohle ha di ke di tsamaya ho ya ka moo ho rerilweng ka teng, mme le dijothollo masimong ha di ke di ba ka moo di lebelletsweng ka teng. Ena ke nako e ntle ya ho batlisisa dintho tse bakileng maemo ana.
Palo ya dimela - na ruri ke taba e ka tsotellwang?
Ha ho jalwa dijothollo, molemi o tshwanetse ho ba le tebello ya ho fihlella palo e itseng, e kgothaleditsweng, ya dimela. Semela ka seng se na le bokgoni ba ho hlahisa dijothollo - dintho tse fokotsang kuno ke bosiyo ba metsi mobung, menontsha, kganya le motjheso. Palo ya dimela tse ka tshehetswang yuniteng ka nngwe ya masimo e itshetlehile haholo ka bongata ba metsi a fumanehang mobung. Palo ya dimela yuniteng ka nngwe ya masimo e bohlokwa ho feta bophara bo itseng ba mela ka ha dimela di kgona ho ba le mamello e itseng tlasa mathata. Bophara ba mela tlasa maemo a komello bo ka fapana ho tloha ho 0,9 m ho isa ho 2,1 m kapa 2,3 m ho itshetlehilwe ka boteng ba metjhine le mekgwa ya ho phetholwa ha mobu e sebediswang. Mela e bileng sephara haholo e totobala moo kuno e leng tlase, palo e lebelletsweng ya dimela e leng tlase, moo pula e leng tlase, moo mathata a leng teng a bakwang ke kgoholeho e bakwang ke moya, le moo mahola a tla laolwa ka metjhine pakeng tsa mela.
Mela e mesesanyane e iponahatsa moo kuno e habilweng e phahameng, moo pula e leng ngata, moo masimo a leng motheong, le moo mahola a tla laolwa ka dikhemikhale (ha ho kgonahale ho laola mahola ka metjhine moo mela e leng mesesanyane haholo, ka ha sebaka se tla ba siyo sa terekere ho tsamaya pakeng tsa mela).
Kuno e habilweng ke ntho ya bohlokwa e laolang palo ya dimela. Palo e tlase haholo ya dimela e kgina kgonahalo ya kuno, mme ka lehlakoreng le leng palo e phahameng haholo ya dimela yona e kgannela keketsehong ya kgatello semeleng, mme hape e fokotsa kuno. Dimela tse atamelaneng haholo hangata di na le kgonahalo ya kotsi ya malwetse (jwalo ka ho bola ha kutu), mme ho kgangwa ke metsi ke ntho e atileng haholo.
Sebaka ka seng le mofuta ka mong wa peo di na le palo ya dimela e kgothaletswang. Haeba palo e batlehang e sa fihlellwe, eba moo kuno e lebelletsweng e amehang hampe (ka bokgutshwanyane, ho ke ke ha eba teng palo e lekaneng ya dimela e tla hlahisa dijothollo tse batlehang).
Sesosa ke sefe sa palo e fokolang ya dimela?
Dintho di ngata tse ka bakang palo e fokolang ya dimela, mme sesosa se amana le mehato e fapaneng tswelopeleng ya sejothollo.
Ho mela ho fokolang ha peo ke sesosa se seholo ka ho fetisisa sa ho ema ho fokolang ha semela.
Ho setwa (calibration) ha plantere ho ka nna ha fosahala, e leng ho ka etsang hore ho jalwe peo tse nyane ka palo masimong.
Boholo (size) ba peo e ka nna ya eba bo fosahetseng, bo sa dumellaneng le dipoleiti tsa plantere.
Peo e ka nna yaba ke e nyane haholo mabapi le plantere, hoo etsang hore dipeo tse pedi di kene ka nako e le nngwe lesobaneng - e leng ho bakang ho kgineha, mme ebe ha ho letho le jetsweng.
Ho qhwayaqhwaya (ticker) ha plantere ho ka nna ha fosahala, mme ha pshatla dipeo ha di feta.
Diplantereng tsa moya, ho ka nna ha etsahala hore vacuum ha e matla hakaalo hoo e kgonang ho tshwara peo hantle ho fihlela e jalwa.
Ka kakaretso, tlhokomelo e fokolang ya plantere e baka mathata a mangata, a fapaneng a motjhine, a etsang hore qetellong ho jalwe peo tse nyane ka palo kapa tse pshatlehileng.
Boleng ba peo e ka nna ya eba bo fokolang - peo ya kgale, kapa peo e nang le bolwetse boo kgonahalo ya ho mela e leng e fokolang haholo.
Tlasa maemo a metsi haholo, semela se senyane se ka nna sa haellwa ke okesijene mobung.
Tlasa maemo a ommeng haholo, peo e ka nna ya sitwa ho fihlella mongobo hore e mele.
Hang ha sejothollo se jetswe, metsi a mangata a pula a ka teteanya mobu, mme a baka hore lekgapetla le thata le be teng le sitisang ho hlaha ha semela.
Ho ka nna ha eba teng masalla a itseng a dikhemikhale a bolayang semela se hlahang.
Tshimolohong ya sehla sa ho jala, peo e ka nna ya jalwa nakong eo themphereitjhara ya mobu e leng tlase haholo hore peo e ka mela.
E ka nna yaba peo e jetswe e tebile haholo, e leng se sitisang ho hlaha ha semela.
Dikokwanyana, dinonyana kapa diphoofotswana di ka nna tsa eja peo pele e mela.
Bo bong ba mathata a atileng haholo hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana - haholoholo sesedi se jang semela moo se hlahang ka hodima mobu.
Dinonyana di ka nna tsa ja dimela tse nyane (le hoja hona hangata e se bothata bo boholo).
Maemong a komello, a lehlabathe, ho foka ha moya (kgoholeho e bakwang ke moya) ho ka kupetsa semela se senyane se lekang ho hlahella ka hodima mobu.
Sefako se ka baka tshenyo e kgolo dimeleng tse nyane.
Motjheso o fetang tekano o ka nna wa baka ho omella ka hohlehohle ha semela se senyane.
Serame mathwasong a sehla se ka bolaya semela se hlahang.
Maemong a mang, jwalo ka soneblomong, ke tlwaelo ho sebedisa ekge ho pshatla lekgapetla le ka hodimo la mobu, le bakilweng ke pula masimong. Ekge e ka baka tshenyo semeleng se hlahang.
Ho fula ha mehlape ke bothata bo boholo dibakeng tse ngata.
Taolo ya mahola ka metjhine hangata e baka tshenyo dimeleng - haeba dikere tsa mohoma di sa setwa ka nepo, mme mokganni a sa hlokomele mosebetsi wa hae (mosebetsi wa ho jala o sa etswa ka nepo, le mela e sa lekane, e le matswedintsweke, temo e ba le mathata, mme sena se baka tshenyo dijothollong).
Malwetse a ka nna a baka tahlehelo ya dimela.
Tlhodisano e matla ya mahola e baka tahlehelo ya dimela.
Tharollo ke efe palong e fokolang ya dimela?
Ha eba nako e dumela, sejothollo se ka nna sa jalwa hape (le hoja hona ho kgema mmoho le ditshenyehelo).
Haeba mola o le mong o le siyo (ka baka la planetere e sa sebetseng hantle) mola ona o ka nna ya kenyelletswa, wa jalwa hang ha bothata bo bonahetse.
Ho bohlokwa hore tse bakang palo e fokolang ya dimela di hlwauwe, e le hore bothata bo rarollwe, mme bo se ke ba boela ba phetwa sehleng se hlahlamang.
<fn>PulaImvula. February.2008-02.st.txt</fn>
Photo 1: Peo tse kgolo haholo tsa poone ho ka kena masobeng a poleiti ya plantere - ho hang ha di a ka tsa jalwa.
Photo 2: Pula e ka nna ya teteanya mobu le ho baka tswelopele ya lekgapetla le thata le thibelang peo ho hlaha.
Photo 3: Peo ya semela sa poone e tebile haholo, mme e thatafallwa ho hlaha.
Photo 4: Le leng la mathata a tlwaelehileng hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana.
Tsitsipano ya mosebetsi e bang teng nakong e nngwe le e nngwe ya sehla sa ho jalwa ha dijothollo lehlabula, e tshwanetse ho kokobetsa maikutlo, mme ke nako eo molemi a leng boemong ba ho lekola dijothollo tse seng di eme masimong. Tshepo ke hore palo ya dimela ke e lekaneng, le hore mmala wa tsona ke o lakatswang, wa botala bo fifetseng, le hore ha ho mahola a hlodisanang le dijothollo - ka bokgutshwanyane, ke hore, tsohle di se di le malala a laotswe bakeng sa kotulo e kgolo.
Le ha ho le jwalo, hangata tshohle ha di a tsamaya ho ya ka moralo, le dijothollo masimong ha di ntle jwalo ka ha ho ne ho hopotswe. Ena ke nako e ntle haholo ho batlisisa moo mohlomong diphoso di bileng teng.
Palo ya dimela - Na ruri e na le taba tjee?
Ha molemi a jala dijothollo o tshwanetse hore moralong wa hae a be le palo e itseng e kgothaletswang ya dimela. Semela ka seng se na le bokgoni ba ho hlahisa dijothollo - dintlha tse kginang kuno ke boteng/bosiyo ba metsi, menontsha, kganya le motjheso. Palo ya dimela tse ka tshehetswang ho ya ka yunite ka nngwe ya masimo, e itshetlehile haholoholo metsing a leng teng mobung. Palo ya dimela yunite ka nngwe ya sebaka, e bohlokwa haholo ho feta bophara bo itseng ba mola, ka ha dimela di kgona ho thiba dikgaello ka mekgwa e itseng. Bophara ba mela tlasa maemo a ommeng a masimo, bo ka nna ba fapana ho tloha ho 0,9 m ho isa ho 2,3 m, le teng ho itswela feela hore disebediswa tsa metjhine di teng na, le hore mokgwa o sebediswang wa ho phethola mobu ke ofe. Mela e sephara haholwanyane e bontshwa moo kuno e habilweng e leng tlase, mme palo e lebelletsweng ya dimela e leng tlase, pula le yona e leng tlase, moo mathata a leng teng a kgoholeho e bakwang ke moya, le moo mahola a tla laolwa ka metjhine pakeng tsa mela.
Mela e mesesanyane haholwanyane e bontshwa moo kuno e lebelletsweng e leng e phahameng, moo pula e phahameng haholwanyane, moo ho nang le motheo kapa ho sekama ha masimo, hape le moo mahola a tla laolwa ka dikhemikhale (ha ho kgonahale ho laola mahola ka metjhine moo mela e leng mesesanyane, ka ha ho ke ke ha eba sebaka se lekaneng hore terekere e kgone ho tsamaya pakeng tsa mela).
Palo e lebelletsweng e bohlokwa mabapi le ho laola palo ya dimela e hlokahalang. Palo tse tlase haholo tsa dimela di kgina kuno e neng e ka fihlellwa. Le teng palo e phahameng haholo ya dimela e kgannela keketsehong ya kgatello semeleng, e leng se fokotsang kuno. Dimela tse jetsweng di atamelane haholo hangata di kotsing ya keketseho ya malwetse (jwalo ka ho bola ha kutu) le ho putlama ho seng ho atile.
Lebatowa ka leng, hammoho le mofuta ka mong wa peo, di na le palo e kgothaletswang ya dimela. Ha eba palo e lebelletsweng e sitwa ho fihlellwa, ho a utlwahala he hore kuno e tla ameha hampe. (ka mantswe a mang, ho ke ke ha eba dimela tse lekaneng ho hlahisa palo e lebelletsweng ya dijothollo).
Sesosa sa palo e fokolang ya dimela ke sefe?
Dintlha di ngata tse ka bakang palo e fokolang ya dimela, mme dintlha tsena di amana le mehato e fapaneng tswelopeleng ya dijothollo.
Ho mela ho fokolang ke o mong wa mehlodi e matla ka ho fetisisa ya maemo a fokolang a masimo.
Ho sothwa ha plantere e ka nna yaba ho ne ho fosahetse, e leng se bakileng hore e be peo tse mmalwa feela tse jetsweng.
Boholo ba peo e ka nna yaba e bile bo fosahetseng mabapi le dipoleiti tse sebedisitsweng tsa plantere (Photo 1).
Dipeo e ka nna yaba di bile nyane haholo bakeng sa plantere, e leng se qetellang ka dipeo tse pedi tse lekang ho kena lesobeng ka nako e le nngwe - mona he, selei se kgitla lejwe, ha ho letho le jalwang.
Karolo ya plantere, 'ticker', e dumellang dipeo ho feta, e ka nna yaba e na le phoso, mme e pshatla dipeo ha di ntse di feta.
Diplantereng tsa moya, vakhumo 'vacuum' e ka nna yaba ha e na matla a lekaneng ho tshwara peo boemong bo nepahetseng ho fihlela e jalwa.
Ka kakaretso, tshwaro e fokolang ya plantere e baka mathata a mangata, a fapaneng, a motjhine. Sena se qetella ka ho jalwa ha dipeo tse nyane ka palo kapa tse robehileng.
Boleng ba peo bo ka nna ba fokola - peo e tsofetseng, kapa e kenweng ke bolwetse, e na le monyetla o fokolang wa ho mela.
Tlasa maemo a mongobo haholo, peo e seng e le mobung e ka nna yaba e ile ya ba le kgaello e kgolo ya moya wa okesijene.
Tlasa maemo a ommeng haholo, peo e ka nna ya haellwa ke mongobo o lekaneng mobung ho medisa peo.
Hang ha sejothollo se se se jetswe, pula e nang ka sekgahla e ka nna ya teteanya mobu, mme ya baka hore ho be teng lekgapetla le thata, le thibelang semela se senyane sa peo ho hlaha ka hodima mobu (sheba Photo 2).
Ho ka nna ha eba dikhemikhale tse salletseng mobung, tse ka bolayang semela se melang.
Nakong ya pele ya sehla sa ho jala, e ka nna yaba dipeo di jetswe themphereitjhara ya mobu e le tlase haholo ho ka dumella ho mela ha semela.
E ka nna yaba ho jalwa ha peo ho ile ha tebiswa haholo, e leng se etsang hore semela se sitwe ho hlaha ka hodima mobu (Photo 3).
Dikokwanyana, dinonyana le diphoofotswana tse maotomane e ka nna yaba di jele dipeo pele di ka mela.
Bo bong ba mathata a tlwaelehileng haholo hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana - haholoholo sesedi se jang semela karolong ya kutu, e hlahelang ka hodima mobu (Photo 4).
Dinonyana di ka nna tsa eja dimela tse nyane (le hoja hangata hona e se bothata bo boholo).
Sefako se ka nna sa baka tshenyo e mpe haholo dimeleng tse sa leng nyane.
Motjheso o fetang tekano (jwalo ka maqhubu a motjheso) o ka nna wa etsa hore dimela tse sa leng nyane di ome ka hohlehohle.
Serame sehleng sa pele se ka nna sa bolaya dimela tse sa leng nyane.
Maemong a mang a itseng, jwalo ka soneblomong, ke tlwaelo ho sebedisa haraka (ekge) ho pshatla lekgapetla la mobu le ka hodimo, le bakilweng ke pula masimong a seng a jetswe. Haraka e ka nna ya baka tshenyo dimeleng tsena tse nyane.
Ho fudiswa ha diphoofolo ke bothata ba sehlooho dibakeng tse ngata.
Taolo ya mahola ka metjhine hangata e qetella e bakile tshenyo dimeleng - ha eba dikere (shears) tsa motjhine o lemang di sa sothwa ka nepo, mme ha mokganni a sa tsotelle mosebetsi oo a shebaneng le ona, (ha eba tshebetso ya ho lema le ho jala e sa ka ya etswa hantle, le yona mela e sa otloloha le ho lekana hantle, ho lema ho fetoha qaka (tharahano), mme ho qetello ka tshenyo dijothollong).
Malwetse a ka nna a baka tahlehelo ya dimela.
Tlhodisano e matla ya mahola e ka nna ya qetella e bakile tahlehelo ya dimela.
Tharollo ke efe palong e fokolang ya dimela?
Ha nako e dumela, sejothollo se ka nna sa lengwa hape (le hoja sena se ka nna sa baka ditjeo tse mpehadi tse jang ka pokothong).
Ha ho ena le mola o le mong o siyo (ka baka la ho se sebetse hantle ha plantere) mola ona o ka nna wa etswa hang ha bothata bona bo lemohuwa.
Ke taba ya bohlokwa hore mehlodi ya palo e fokolang ya dimela e a hlwauwa e le hore phekolo ya maemo e be teng, le hore sehleng se hlahlamang phoso ena e se ke ya ipheta hape, etswe monna ha a bone habedi!
<fn>PulaImvula. FertilisationWheat.2009-06.st.txt</fn>
Dijothollo tse fapaneng di hloka bongata ba dijo tsa tsona ka ho fapana. Ditlhoko tsena di tlamehile ho kgotsofatswa ke mobu, moya o sebakeng hammoho le tshebediso ya manyolo le menontsha ho nnnetefatsa hore monono wa mobu ha o fele.
Koro ke sejothollo sa bohlokwa ka ho fetisisa sa serele lefatsheng. Sena ke nnete mabatoweng ao e jalwang ho ona le tlhahisong ya dijothollo kaofela ha tsona. Mabatowa a bohlokwahlokwa a hlahisang koro ya lefatshe a fumanwa mabatoweng a tlelaemete e futhumetseng ka ho lekana a Hemisphere e ka Leboya (30Â° ho isa ho 60Â° Leboya).
Tlhahiso ya jwale ya koro Afrika Borwa e fihlelletse boemo bo fatshe ba ho wa, e leng moo ditone tse milione o le mong di tshwanelang ho romellwa di etswa ka ntle. Sena se bakwa haholoholo ke ditheko tse tlase tsa koro mmarakeng o lokolohileng le tlhahiso e fetang tekano kapa koro "e lahlwang" e tswang dinaheng tse tshehetsang bahlahisi ka ditjhelete mabapi le tlhahiso ya koro.
Ho fetohela dithekong tse phahameng tsa oli e tala, ka bomadimabe ho boetse ho amme ditheko tsa manyolo ka ha tlhahiso ya nitrogene hammoho le tlhahiso tse ding tsa manyolo di hokahane le tlhahiso ya oli e hlwekisitsweng. Ditjeo tsa lenaneo lefe kapa lefe la manyolo ha di kgeloha ditataisong tsa motheho di tshwanetse ho hlahlojwa ka hloko ho ya ka ditheko tse phahameng ka ho fetisisa tsa manyolo. Tlhophollo e batsi e nepahetseng e tla bontsha hore na sejothollo se tla hlahiswa ka phaello kapa tjhe.
Ho kgothaletswa hore ho fetoha ha nakwana ha mefuta e bolang ya menontsha ya dimela ho ka kenngwa mokgweng wa phapanyetso ya dijothollo ho kenyeleditswe dimela tse kang dinawa. Mokgwa wa tlhaho wa pokello ya manyolo o ka kgema mmoho le tshebediso e phahameng ya manyolo a dikhemikhale e le ho fokotsa kotsi lehlakoreng la ditjhelete mabapi le ditjeo tsa tlhahiso e le hore ho fihlellwe maemo a amohelehang le a nang le thuso, a ditjeo kaofela. Ke taba ya bohlokwa haholo ho ba le phapanyetso ya dijothollo e kenyeletsang tse kang dinawa le dierekisi ka sepheo sa ho fokotsa ditjeo tsa manyolo.
Jwalo ka molemi o tla be o ile wa isa disampole tsa hao tsa mobu le ho fumana dikgothaletso mabapi le manyolo. Etsa bonnete hore o tla be o eleditswe ke motho eo ruri a tsebang le ho utlwisisa se batlwang ke koro ya hao. O se ke wa nka keletso ya motho ya itjhebetseng ho una molemo feela kapa ya ipatlelang phaello feela e sa hlokahaleng mosebetsing wa hao wa bolemi. Hopola ho fumana keletso bathong ba tshepahalang.
Tsena di na le dikgaketla tse fupereng peo (legumes), mme di ka fepela boholo ba ditlhoko tsa tsona tsa nitrogene ka ho iphumanela nitrogene e moyeng ka dibaktheria tsa dikotolanyana.
<fn>PulaImvula. FinalistsOpot.2009-10-01.st.txt</fn>
Lepatlelo jwale le koropetse, mme qetellong re ka phatlalatsa bahlodi ba bararo ba kgau ya Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa 2009. Re opela mahofi Samuel Moloi, William Matasane le Philip Xaba - eka ya hlwahlwa ka ho fetisisa e ka ba yena ya hlolang. Mohlodi o tla phatlalatswa ka la 9 Mphalane moketjaneng Midrand.
Samuel o tswaletswe polasing ya Magdalena ka la 3 Hlakubele 1969, moo ntatae e neng e le mosebeletsi polasing. O bile e mong hara bana ba robedi. A kena sekolo Mashaeng, ka thoko ho Fouriesburg, moo a ileng a qeta dithuto tsa kereiti ya 12.
E sa le ngwana, Samuel o ile a sebetsa polasing neng kapa neng ha ho ne ho kgonahala, mme a ba le toro ya ho ba le polasi ya hae. Samuel o nyetse Diane, mosuwetsana Fouriesburg. Ba na le bana ba bararo.
Samuel ha a na masimo, mme o re ha eba e ne e se ka baka la kgothaletso ya sehlopha sa Grain SA sa Ntshetsopele ya Molemi e ka be e se molemi kajeno. O ile a kgona ho hira mobu o tebileng haholo Mmasepaleng wa Fouriesburg nakong ya dilemo tse hlano.
A boela a kgona ho hira mobu wa tlatsetso sehlopheng sa basebetsi ba polasi bao e bileng majalefa a projeke ya ntjhafatso ya naha, e leng ba neng ba sitwa ho sebedisa mobu oo ka bobona. Hajwale, Samuel o hlahisa dijothollo dihekthareng tse 375 - ka mokgwa wa phapanyetsano ya poone, soneblomo le koro.
Samuel o utlwisisa bohlokwa ba mobu o tebileng mabapi le tlhahiso ya dijothollo. O nka maeto hohle a jarile motjhine o borang mobu veneng ya hae, mme o dula a batlana le mobu o lokileng oo a ka o hirang. Ka ha Samuel a se na mobu, ha a na mehlape e ka tshehetsang mosebetsi wa hae. Le hoja a lekile ka makgetlo ho batla thuso ho ba Lefapha la Ditaba tsa Naha, le jwale o ntse a tehile kalala.
Samuel ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Dishweshwe tsa Dikorong sa Fouriesburg. O se a ile a ba teng dithutong tsohle tsa Grain SA: Selelekela tlhahisong ya poone/soneblomo/koro; Tlhahiso e phahameng ya poone le mmaraka; Tokiso ya motheo ya enjene; le Tekolo ya mehlodi le moralo wa bolemi.
Samuel ke monna ya boneng menyetla, mme a etsa maqheka a ho iketsetsa tjhelete. O na le moo a sebeletsang teng Fouriesburg, moo a hlokometseng le ho lokisa disebediswa tsa hae, mme o boetse o etsetsa batho ba bang mesebetsi e itseng. O boetse o na le kgwebo ya ho ratha le ho rekisa patsi.
O tsetetse diterekereng le metjhineng, empa neo e bohlokwa ya hae ke ho ikopanya le batho ba nang le tsebo, ba ikemiseditseng ho mo tshehetsa le ho mo eletsa. Ha a na tshabo ya ho nka keletso, mme o ithuta kapele. OVK e thusitse Samuel ka tjhelete tlhahisong ya dijothollo tsa lehlabula, mme VKB e mo thusitse ka tjhelete tlhahisong ya koro.
Samuel o na le basebetsi ba babedi ba nako tsohle. O ingodisitse ho UIF le Workmen's Compensation. Samuel o boetse o na le'mothusi wa hae wa letsoho le letona' - Piniki Hlaphu e leng ntate ya inehetseng ka hohle, wa seriti sa ntate, tora ya nnete e tshehetsang. Samuel o itshetlehile ka Pinki Hlaphu, mme o sebedisa dilemo tse ngata tsa boiphihlelo ba hae.
Dihla tse pedi tse fetileng tsa ho qetela e bile tse ntle tlhahisong ya poone Foreisetata Botjhabela, empa ha ho balemi ba bangata ba ka ikgantshang ka kuno e fetang ditone tse 6 hekthara ka nngwe dilemong tse pedi tse hlahlamanang - katleho eo motho a kabang motlotlo ka yona!
E bile taba e makatsang ho bona katleho ya monna enwa - nakong ya lemo tse tharo feela, o hlahile ka mahetla e le molemi ya ratang masimo le dijothollo hammoho le thahasello e matla ya kgwebo.
William o hlahetse seterekeng sa Winburg moo a ileng a kena sekolo sa polasing mabapi le thuto ya hae ya sekolo sa poraemari. Hamorao a kena sekolo se phahameng Winburg. Ha sekolo se tswile a sebetsa jwalo ka mophehi Aventura Resort e leng Allemanskraal ho fihlela ka 2004.
Nakong ya lemo tsa hae e sa le ngwana ya thusang ntatae polasing, a ba le lerato la polasi. Hoba a boloke tjheletana ka thuso ya kadimo ho ba Land Bank, William a kgona ho reka polasi Verblyden seterekeng sa Senekal. William, mosadi wa hae Alina le bana ba bona ba bane hajwale ba dula polasing ena.
Ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Senekal, mme o bile teng boholong ba dithuto tsa kwetliso tsa Grain SA. O kgonne ho lefa tjhelete kaofela ya polasi ena ya dihekthara tse 397. Dihekthara tse 253 ke mobu o lemehang. William o boetse o hirile dihekthara tsa tlatsetso tse 380 tsa makgulo a dikgomo tsa hae le dinku. Ke motho ya dumelang mokgweng wa bolemi bo tswakaneng ka ha bo fokotsa kotsi ya ho iphumana o le ka mosing.
William o jetse koro dihekthareng tse 84 lemong sa 2008, empa ka bomadimabe e ne e se selemo se setle sa koro. Ka lehlohonolo, sehla sena sa dijothollo tsa hlabula se bile setle, mme poone le soneblomo tsa hae di ntle. William o re o lema poone hobane e jewa ke tsohle - batho, dikgomo, dinku le dikgoho! William o sokotse ho fumana thuso ya tjhelete tlhahisong ya hae ka ha a le lebatoweng le sa sebeletsweng hantle ke agribusiness.
Ha ho buuwa le William ho hlakile hore ke monna ya batlang ho tswela pele. O a potlaka ho amohela le ho sebedisa ditheknoloji tse ntjha. O se a fetohetse pooneng ya BT, mme o sebedisa tine ho ena le mohoma. Taolo ya mahola dijothollong e etswa hantle, mme ho totobetse hore William o tseba seo bohwai bo tshwarellang le bo nang le phaello bo se bolelang.
O na le dikamano tse ntle le balemi ba baahisani, mme o bua hantle ka balemi ba bane ba bahwebi ba ileng ba mo thusa dilemong tsa bolemi ba hae.
Philip ke molemi ka tswalo - O hlahetse polasing ka 1952, mme tsa kgale tseo a di hopolang ke bohwai ka diphoofolo le ka dijothollo.
Ka 1973 Philip a simolla ho sebetsa polasing jwalo ka mokganni wa terekere, mme hamorao a ya Senwes moo a sebeditseng dilemo tse leshome. Philip o nyetse Julia, mme le hoja Julia a ena le mosebetsi oo a o etsang - ke mosuwetsana Kgotsong, ka ntle feela ho Bothaville - o kene ka setotswana mesebetsing ya bolemi, mme o tshehetsa Philip haholo polasing.
Polasi ya Philip e bitswa Tweespruit, e ka ba dikilomithara tse 5 ho tloha Kgotsong. Ha a dule polasing le hoja ba babedi ba basebetsi ba hae ba dula teng, mme ba hlokometse mehlape.
Philip o kene sekolo ho fihlela Kereiting ya boraro, empa ho hlakile hore monna enwa ha a sitiswe ke ho hloka thuto e phahameng - o tseba seo bolemi bo leng sona, mme bolemi ba hae bo mo tswalla phaello. Philip o rata metjhine, mme o hlokometse haholo diterekere le disebediswa tsa hae.
Ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Kgotsong, mme o bile teng dithutong tse ngata, tse kang, Tlhahiso ya poone le soneblomo; Tlhokomelo ya terekere le disebediswa tsa polasing; Tlhahiso e phahamneng ya poone le mmaraka; Tekolo ya mehlodi le Moralo wa Bolemi. Philip o na le kadimo ya tlhahiso ho ba Senwes.
Polasi ya Philip e na le dihekthara tse 197, mme e lefelletswe ka botlalo. Nakong e fetileng o ne a ena le letoto la ditekesi tseo a ileng a di rekisa hore a kgone ho reka polasi le disebediswa tseo a di hlokang. O a tseba hore masimo ana a manyane ho ka mo hlokomela jwalo ka molemi wa dinako tsohle, mme o hirile dihekthara tsa tlatsetso tse 100 tsa mobu o motle wa temo.
Mabapi le sehla se tlang, o ntse a sebetsana le monyetla wa ho hira dihekthara tsa tlatsetso tse 500 ho moahisani ya hlokang takatso ya bolemi. Philip o na le merero, mme bohwai ba hae bo ntse bo hatela pele - mme o ikamahantse hantle le balemi ba bahwebi ba mo thusang ha a kopa tshehetso.
Philip ke molemi ya bontshitseng hore ho a kgonahala ho dula o etsa phaello masimong a manyane - simolla hanyane, mme o nne o hole ha bokgoni le mehlodi e ntse e o dumella.
<fn>PulaImvula. FinancialMaize.2009-04.st.txt</fn>
Bahlahisi ba bangata ba kopana le tse ba nyahamisang ha ba leka ho bula akhaonto e ntjha bankeng. Lebaka ke hobane Molao wa Setsha sa Tsebiso mabapi le Ditjhelete (Financial Intelligence Centre Act kapa FICA) wa 2001 o batla hore dibanka kapa ba kgwebo temong (agribusinesses) ba be le dintlha tse ikgethileng mabapi le bareki bohle le ho ba beha leihlo le ho tlaleha diphapanyetsano dife kapa dife tse belaetsang tse ka tswalwang ke botlokotsebe.
Lefatshe le fetohile. Keketseho ya botlokotsebe le boferekanyi di qobelletse dinaha tse ngata ho ipopa ngatananngwe ka sepheo sa ho laola lefu lena. Re lebohela molao o motjha le tshebedisano ya matjhaba, ka ha mmuso jwale o otla ditlokotsebe moo ho leng bohloko - pokothong. Mashodu le baferekanyi ba batla tjhelete hore ba phele. Ba fetola tjhelete e "ditshila" eo ba e etsang ka boshodu, ka dithethefatsi, ka ho utswa le ka ho tshwara poho, hore e be tjhelete e "hlwekileng" ka ho sebedisa boitsebahatso bo fosahetseng kapa ho sebedisa mabitso a batho ba se nang molato jwalo ka wena. Hona ho bitswa "tlhwekiso ya tjhelete ka bolotsana", mme ha ho bakele feela dinaha ditshenyehelo tse balwang ka dibilione ka selemo, empa ho boetse ho fana ka mehlodi e etsang hore boferekanyi ba matjhaba bo nne bo hole. Ho sitisa phallo ena ya tjhelete, mmuso o kentse tshebetsong Molao wa 38 wa Setsha sa Tsebiso mabapi le Ditjhelete (Financial Intelligence Centre Act kapa FICA) wa 2001.
Tekong ya ho kgema mmoho le molao o motjha, dibanka tsohle di lebelletswe ho kenya tshebetsong mekgwa e boima mabapi le ho bulwa ha diakhaonto tse ntjha. Sena se bolela hore, rona hore re kgone ho kgema mmoho le molao, dibanka di lebelletse hore wena o di fe bopaki ba tlatsetso nakong eo o bulang akhaoto e ntjha. Molao ona o boetse o lebelletse hore dintlha tse o amang ka seqo di nne di tlatsetswe nako le nako. Tshebetso ena e ama dibanka, mme e tshwanetse ho kengwa tshebetsong ke tsona dibanka.
Dintlha tsa kgokahano.
Laesense ya hao ya ho kganna e ntseng e sebetsa ya mofuta wa karete.
Hore banka kapa agribusiness e kgone ho tiisa bonnete ba aterese ya bodulo, o tshwanetse ho e fa tokomane e dumelletsweng e nang le lebitso la hao le aterese ya bodulo (Taba ya PO Box ha e a lekana), kapa nomoro ya setsha (stand) le motse.
<fn>PulaImvula. FinancialMaize.2009-06.st.txt</fn>
Grabbing quote: Re hloka tjhelete ho kgotsofatsa ditlhoko tsa nama le tsa tshireletso.
Captions: Setshwantsho 1.1: Mosebetsi wa tshenyehelo kaofela.
Setshwantsho 1.2: Phaello, tahlehelo le ntlha e mahareng.
Kgwebo ke eng Kgwebo e simolla jwang Mabapi le tsamaiso ya kgwebo ho bohlokwa ho utlwisisa dipotso tsena ka hlohlehohle, mme lengolo lena le tla etsa sona seo?
Ho tloha tshimolohong, motho o dula a batlana le ho hong hore a phele. Dijo, moo a itshireletsang teng le diaparo, ke tse ding tsa ditlhoko tsena. Tshimolohong, motho o ne a iphumanela tseo a di hlokang, ka ho tsoma, ho kotula dijothollo, dimela tse hlaha le ho ipata mahaheng. Ha motho a ntse a tswela pele, ditlhoko le tsona tsa nna tsa eketseha, mme ho hlahisa dintho (thepa) e bile e nngwe ya ditlhoko tseo e bileng karolo ya bophelo.
Tjhelete ke eng mme e tswa hokae?
Ha ntho e rekwa ho sebediswa tjhelete ho e lefella. Tjhelete e mpa e le pampiri feela, mme ka nako tse ding re a makala, "Pampiri e kgona jwang ho lefella dintho tsa boleng". Tjhelete ya pampiri e simollotse katamelong ya tshebediso ya tjhelete. Nakong e fetileng, phapanyetsano di ile tsa etsahala (phapanyetsano ka dintho tse sa tshwaneng empa tsa boleng bo lekanang). Mohlala, motho o ne a fapanyetsana le e mong ka kgomo bakeng sa mekotla e mehlano ya poone. Bothata ka phapanyetsano ena ke hore ha o ena le kgomo, mme o batla poone, o ne o tshwanela ho batla motho ya nang le poone, mme a batla kgomo. O ne o tla tsamaya lefatshe lohle o batlana le motho ya ka o fang kgomo bakeng sa poone ya hao.
Mosebetsi ona o batla boiteko bo boholo. Batho nakong eo ba ne ba rarolla bothata ka ho sheba se amohelehang ho bohle. Sena e ne e le gauta. O ne o ka fapanyetsana ka kgomo ya hao hore o fumane 30 g ya gauta, ebe o reka mokotla wa poone ka 10 g ya gauta. Gauta e ne e amohelwa ke motho e mong le e mong. Yaba batho ba tshaba hore gauta eo ba e tshwereng e ka nna ya utsuwa. Yaba gauta e patwa sebakeng se baballehileng, bankeng, mme rabanka o ne a tshwanela ho ngola sekgetjhaneng sa pampiri hore ke gauta e kae eo o nang le yona bankeng. Ha o ne o mmontsha pampiri, o ne a o neha gauta ya hao hape.
Bakeng sa ho simolla ka ho fumana gauta ya bona ka ho hlahisa pampitshana, yaba ba fapanyetsana ka pampitshana mabapi le seo ba neng ba se batla hobane motho eo ba neng ba mo neha pampitshana o ne a tla ya itatela gauta ya hae hamorao. Hamorao, batho ha ba a ka ba itshwenya ka ho nna ba ilo nka gauta ya bona hobane ba ne ba ena le pampitshana e bontshang hore ba na le gauta e kae. Kajeno e mong le e mong o amohela tjhelete ya pampiri.
Batho ba fumana tjhelete jwang?
Motho a ka fumana tjhelete feela ka ho sebeletsa moputso kapa ka ho iphumanela tjhelete e kenang, e tswang kgwebong ya hae.
Lefatsheng la kajeno le tswetseng pele, ka ho otloloha kapa ka mokgwa o sa otlolohang, dikgwebo di kgotsofatsa ditlhoko tsa motho. Ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona kapa dihlahiswa tseo ho fanwang ka tsona di rekiswa ke dikgwebo, mme tjhelete e fumanwang bakeng sa ditshebeletso tsena hammoho le dihlahiswa tsena, ke tjhelete e kenang ya kgwebo. Mehlala ya dihlahiswa ke dijo, diaparo, makoloi, fanetjhara le marulelo. Mehlala ya ditshebeletso ke ditshebeletso tsa bongaka, ditshebeletso tsa phano ya tsa sekolo le kwetliso le dikgokahano. Kutlwisiso ena ya tjhelete e kenang e boetse e hatella nnete ya hore kajeno motho o hloka tjhelete ho kgotsofatsa boholo ba ditlhoko tsa hae.
Nakong ya phano ya ditshebeletso le/kapa ho hlahisa dihlahiswa, kgwebo e kena dikolotong/ditshenyehelong tse itseng, e leng tjhelete e tswang. Ditshenyehelo tsena di ka arolwa ka mekgwa e meraro.
Ditjeo tse sa tsitsang ke mosebetsi wa tse hlahiswang, mme di ba teng ha feela tlhahiso e le teng. Ka hoo, ho teng kamano pakeng tsa bongata ba tlhahiso le ditjeo. Ha eba mohlahisi a hama dikgomo tse leshome feela, ditjeo tsa hae tse sa tsitsang, tse kang meputso, tse bokellwang mmoho, furu le ditjeo tsa transeporoto le lebese, di tla ba tlase ho feta ha a ne a hama dikgomo tse 50. Mehlala ya ditjeo tse sa tsitsang ke manyolo, peo, dibolayalehola, mosebetsi wa konteraka, meriana ya diphoofolo, tse nyekwang, tse bokellwang mmoho, mafura, mosebetsi wa nakwana, tse sebediswang ho paka thepa, hammoho le ditjeo tsa mmaraka.
Ditjeo tse tsitsitseng ke karolo ya ditshenyehelo tsohle tse sa fetoheng morerong o qollehileng wa tlhahiso ho sa kgathaletsehe hore tlhahiso e phahame kapa e tlase. Ditjeo tsena tse tsitsitseng, ka hoo, ke tse sa fetoheng nakong e kgutshwanyane. Di ka nna tsa fapana nakong e telele ka baka la ho fetoha ha morero wa tlhahiso.
Ha eba mohlahisi a hlomme lephephe la dikgomo tse 50 moo di hamelwang teng (morero wa hae wa tlhahiso), ditjeo tse tsitsitseng tsa lephephe jwalo ka tswala tjheleteng yohle le ho theoha ha maemo a disebediswa, di tla ema di tsitsitse ho sa tsotellwe hore mohlahisi o le sebedisetsa dikgomo tse leshome kapa tse 50. Le ha ho le jwalo, ha eba mohlahisi a fetola moralo wa hae wa tlhahiso, mme a atolosa lephephe hore le nke kgomo tse 80, ditjeo tse tsitsitseng ke ho theoha ha maemo (depreciation), tswala, ditefello tsa kgwedi tsa inshorense, tjhelete ya kgiro le mosebetsi wa nako tsohle. Ditjeo di tsitsitse feela hang ha di se di entswe. Hang ha terekere e se e rekilwe, ditjeo tse tsitsitseng tse amanang le yona, jwalo ka ho theoha ha maemo a yona, tswala, dilaesense le inshorense, di tsitsitse. Dintlha tsena tsa ditjeo ha di fetohe le tse fumanwang (output), mme ka baka lena, ha di tshwaetswe ke phetoho tlhahisong nakong e kgutshwane.
Ho theoha/nyehla ha maemo ha se ditjeo tsa tjhelete (tjhelete e tswang), mme ho amana le phokotseho mabapi le boleng ba maruo ka baka la tshebediso le ho tsofala ka ona.
Tswala ke tjhelete e fumanwang bakeng sa tshebediso ya tjhelete e tswang ka ntle kapa e adimilweng.
Ditjeo kaofela ke palo e fumanwang ka ho kopanya tsohle tse tsitsitseng le tsohle tse fetofetohang, mme tsena di bontshitswe setshwantshong sa 1.1.
Phaello e bolela hore tjhelete e kenang e ngata ho feta ditshenyehelo/ditjeo kapa tjhelete e sebedisitsweng, mme ha e tswileng e feta e keneng, tahlehelo e ba teng.
Ho bohlokwa ho utlwisisa hore ha kgwebo e etsa phaello, basebeletsi bohle le monga kgwebo, ba amohela tjhelete e tla ba thusa ditlhokong tsa bona. Ka baka lena, diphaello di tshwanetse ho dula di le teng nakong e telele, e leng se hatellang bohlokwa ba mekgwa ya ho phahamisa mosebetsi wa bolemi. Ha ho etsahala hore kgwebo e be le tahlehelo, dintho di ka nna tsa fetoha. Le hoja basebetsi ba fumane meputso ya bona (tjhelete), monga polasi kapa beng bona ha ba na tjhelete e kenang ho bona, mme ba tla tlameha ho nahanisisa botjha ka kgwebo e le ho theola tahlehelo. Mehato e ka nahanwang e kenyeletsa ho fokotswa ha basebetsi.
Ha nako e ntse e tsamaya, tjhelete e kenang le e tswang ya kgwebo tsa temo e a eketseha ka baka la ho phahama ha ditheko tsa dihlahiswa le ditjeo tse phahamang. Le ha ho le jwalo, engele (angle) ya keketseho jwale e se e le engeleng tse fapaneng, mme ka hoo, sekgeo se a kwaleha. Ho ntse ho eba boima ho etsa phaello. Dikgwebo tsa temo ke tsa batho ba amohelang ditheko (prices) hoba ba sitwa ho rekisa dihlahiswa tsa bona ka ditheko tse phahameng ka bobona.
Tjhelete e kenang e ka eketswa ke tlhahiso e phahameng ya yunite ka nngwe (poone - ton/hekthara) le/kapa merero e ntlafaditsweng ya tlhahiso (precision farming) le/kapa tlhahiso e eketsehileng (increased productivity). Ditjeo di ka fokotswa ka ho tsitlallela ditheko tse tlase tsa tse sebediswang le/kapa merero e ntlafaditsweng ya tlhahiso (precision farming) le/kapa phokotso ya ditjeo ka ho fokotsa basebetsi le/kapa ka ho laola ditjeo ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa ho etsa ditekanyetso le/kapa tlhahiso e phahameng.
Ka baka leo, qetellong, kgwebo e kgotsofatsa ditlhoko tsa batho. Le ha ho le jwalo, kgwebo e ka kgona ho atleha feela ha phaello e dula e sa fetohe ka baka la ho tsitlallela hore e dule jwalo feela. Ha phaello e etswa mokgweng o tsitsitseng, e mong le e mong polasing o una molemo phaellong eo. Ha ho eba teng ditahlehelo ho ya ho ile, e mong le e mong polasing o tla fetoha phofu ka baka la meputso e fokotswang kapa ho fokotswa mosebetsing; empa ke monga polasi feela ya leng kotsing ya ho lahlehelwa ke tsohle ho kenyelleditswe le dintho tseo e leng tsa hae.
<fn>PulaImvula. Fire(maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Mariha a atisa ho tla haholoholo ka mora nako ya lehlabula le nako ya morao e mongobo ya hwetla. Ka baka la sehla se mongobo, makgulo a ho fudisa a mangata, empa hona ho boetse ho bolela hore mello ya hlaha e ka nna ya eba bothata bo boholo lemong sena.
Mello e ka baka tshenyo e mpe haholo masimong. Thutswana e le nngwe ya mollo e ka senya dikete tsa dihekthara tsa masimo. Mello e mengata ya dijothollo e ba teng pele kapa hang ka mora kotulo hobane nakong ena dijothollo hangata di butswitse, mme di omme.
Bana ha ba a lokela ho bapala ka thutswana tsa mello.
O se ke wa lahlela thutswana ya mollo e ntseng e tuka kapa sakarete jwanng bo ommeng, mahlakung, difateng kapa ditorong.
O se ke wa etsa mello dibakeng tse bulehileng naheng kapa nakong tsa meya e fokang.
Etsa bonnete hore mello kaofela e tinngwe ka ho phethahala.
Ha o bona mollo thoteng, tlalehela moahisani le mohlokomedi ya selehae wa mollo ka ho panya ha leihlo. Ba bolelle ka ho hlaka moo mollo o leng teng.
Siya e mong lapeng ya tla bolela ha mollo o le teng. Haeba o na le radio kapa mohala, etsa bonnete hore dithapo di dula di bulehile e le hore tsebiso e kgone ho fetisetswa ka potlako hang ha tsietsi e hlaha.
Haeba wena ha o monga masimo, mo tsebise ka ho hlaka mabapi le maemo a mollo.
Tlosa diphoofolo kaofela le disebediswa kaofela, mme o di ise sebakeng se bolokehileng.
Ditima-mollo - tsa mofuta wa metsi kapa tsa phofo e ommeng.
Tima mollo ka mabanta a kgale a rekere kapa mekotla e metsi. Ho phutla mollo ka mabanta kapa mekotla e metsi ho tebela okesijene e hlokwang ke mollo hore o tuke. Ha moya ona o haella, mollo o tla fokotseha, o time butlebutle.
Sebedisa dipompo tse budulelang metsi dimeleng le jwanng bo haufi le mollo. Pompo tsena di boetse di thusa hape moo ho ka boelang ha qhoma mollo o seng o tinngwe.
Sebedisa ditshelo tsa metsi le pompo ya metsi e ka ntshang metsi a mangata.
Dishofolo, diharaka le dikgarafu di ka sebediswa ho thibela ho nama ha mollo. Sethibela- mollo sena se ka sebediswa se le lehlakoreng le shebaneng le moo moya o fokelang teng. Sethibela-mollo (mothakala) sena ke motjhophoro o entsweng, o tshwanang le mmila, oo ho seng letho la mollo le ka tukang ho ona.
Sebedisa dishofolo le diharaka ho tima mollo ka lehlabathe le mobu. Di sebedise hape ho tlosa jwang bo ommeng le makala a ka tukang ha bonolo.
Sebedisa dikgaola-jwang ho kgaola jwang le dimela tse sa tjhang, pele mollo o ntseng o etla o fihla.
Atamela mollo ka lehlakoreng kapa ka mahlakoreng a mabedi, mme o leke ho etsa hore bokapele ba mollo bo be bosesanyane.
Haeba ho le teng lebanta (motjhophoro) lena, kapa lebanta la tlhaho le kang noka, leka ho qobella mollo pela noka.
Beha batho ba lwantshang mollo dibakeng tse nepahetseng ho thiba mello e qhomang, e kgannwang ke moya. Moya o matla o kgona ho jara mollo sebaka se ka etsang kilomithara.
Ho bohlokwa ho tima o kenella ka hare hore sebaka se tukang se se kgone ho lahlela ka ntle mello e ka tjhesang jwang le mahlaku a difate a esong ho tuke.
Beha leihlo ka nako tsohle hore moya o fokela ka hokae.
Etsa bonnete hore batimi ba mollo ha ba a tswa kotsi.
Paterola sebaka seo bonyane dihora tse tharo ho thibela mollo o ka nnang wa qhoma hape.
Kgutlisetsa sesebediswa tulong e nepahetseng ya sona.
Tlatsa hape ditshelo tsa metsi tse kang ditanka.
Lokisa sesebediswa se senyehileng.
Monga masimo e mong le e mong eo mollo o ka nnang wa qhoma masimong a hae, kapa wa kekela, o tshwanetse ho dula a ena le mothakala (motjhophoro) o thibelang mollo pakeng tsa masimo a hae le a moahisani wa hae. Ke boikarabelo ba hao hore mollo o se ke wa simolla masimong a hao. Ho thibela ho qhoma ha mollo ke nako e ntle e ka sebediswang, e ka tshireletsang masimo a hao (naha, meaho, dijothollo le mehlape) kgahlanong le tsietsi e ka bang teng. Beng ba masimo a bapileng le a hao ba ka nna ba dumellana ho ba le mothakala o kopanetsweng meeding ya lona.
O tshwanetse hore o hloke dintho tse ka tjhang habonolo tse ka etsang hore mollo o fetele ka nqane ho ona.
Ho fihlella ntlha e lebisang mollong.
<fn>PulaImvula. First-aid.2008-01.st.txt</fn>
Byline: E nkilwe ho www.health24.
Lelapa le leng le le leng le tshwanetse ho ba le disebediswa tse feletseng tsa thuso-ya-pele. Boloka e nngwe lapeng, e nngwe ka mmotokareng wa hao. Boloka disebediswa tsena sebakeng se phodileng, se ommeng, hole le bana ba banyenyane. Etsa bonnete hore o tseba ho di sebedisa le hore e nngwe le e nngwe ya tsona e sebedisetswa eng.
Disebediswa tsa lapeng tsa thuso-ya-pele di fupere eng?
<fn>PulaImvula. Food.2008-01.st.txt</fn>
Byline: E nkilwe ho www.health24.
Ho ja dijo kapa metsi a tshwaeditsweng ho ka baka malwetse a fapafapaneng.
Tjhefo dijong ke lentswe le akaretsang tshwaetso e tlang ka dijo. Mehlala e tlwaelehileng ya tshwaetso ya dijo e kenyeletsa dikerempe maleng, letshollo, ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa. Dibaktheria ke sesosa se seholo ka ho fetisisa sa tshwaetso dijong, mme se latelwe ke dikokwanahloko le tse nwang madi a batho (parasites).
O a sitwa ka mehla ho bolela ha eba metsi a tshwaeditswe ho ya ka moo a tadimehang ka teng, a latswehang, a nkgang ka teng, empa o ka kgona ho fokotsa dikotsi haholo ka ho latela mehato e boletsweng mona tlase.
Kwahela maqeba matsohong ho thibela tshwaetso ha o sebetsana le dijo. Etsa bonnete hore dibandage le diplastara di hlwekile.
Bedisa metsi a nowang pele ha o se na bonnete ba hore a lokile ho ka nowa. Metsi a tswang pompong hangata a batla a baballehile, empa ha e le a tswang mehloding e meng, jwalo ka dinokeng le matsheng, ha a jwalo.
Boloka metsi a baballehileng ditshelong tse hlwekileng, haholoholo sehatsetsing.
Etsa bonnete hore dinomaphodi le maqhwa di entswe ka metsi a baballehileng.
Hopola hore o se kwenye metsi a sa baballehang nakong eo o keneng bateng kapa o sesang.
Hlatswa bokantle jwalo ka tafole ya kitjhine, khaontara kapa sinki, pele o lokisa dijo moo, le ka mora moo. Boloka dibaka tsa polokelo ya dijo di hlwekile jwalo ka dishelofo le dihatsetsi.
Hlwekisa kapele bohlaswa ba tse qhalehileng.
Bolaya dikokwanahloko difatukung tsa kitjhine, dispontjhe, le tse hohlang dipitsa. Etsa sena ka bleach, mme o di omise letsatsing, e leng se thusang ho bolaya dikokwanahloko. Ha o ena le microwave, ho futhumatsa difatuku le dispontjhe metsotswana e 60 ho thusa ho bolaya dibaktheria.
Hlatsa foluru ya kitjhene bonyane hanngwe ka beke ka masela a etseditsweng feela mosebetsi oo.
Hlatswa dijana, dithipa le dikgaba le mapolanka ao ho sehelwang ho ona - kgothaletso ke hore ka metsi a sesepa a tjhesang, ao o a qhalang ha a se a le ditshila. Pudutsa dijana ka metsi a hlwekileng ha ho kgonahala.
Kenya dijana tse ding bakeng sa tse peperaneng haholo. Kokwanahloko di rata ho ipata dibakeng tse jwalo, dikomiking, dijaneng le mengwapong ya ditshelo tsa polastike le dibotong tsa ho sehela.
Sebedisa ditobo tsa ho sehela dijo tse tala. Haholoholo, sebedisa boto ya ho sehela nama, nama ya fariki le tlhapi, mme boto e nngwe e be ya dijo tse ding. Kapa hlwekisa boto hantle ka metsi a tjhesang, a sesepa, hoba o qete ho seha mofuta o itseng wa dijo. Diboto tsa ho sehela tsa polastike le lejwe ke tsona tse baballehileng ka ho fetisisa mabapi le nama e tala.
Se ke wa boela o sebedisa disebediswa tsa hao ha di se di ile tsa ama nama e tala, tlhapi kapa kgoho, ha e se ha o se o di hlatswitse ka ho phethahala.
Boloka dilahlwa ka hara moqomo o kwahetsweng, o tshollwang le ho hlwekiswa kgafetsa.
Etsa hore monyako wa kitjhine le difenstere di dula di butswe haholo ka moo ho kgonahalang ka teng hore moya o lekaneng o kgone ho kena. Hona ho thusa thibelong ya kgolo ya difunguse.
<fn>PulaImvula. GearsMaize.2008-10.st.txt</fn>
Metjhine e mengata e sebedisa dikere (gears). Mohlala o motle haholo ke baesekele hobane e na le dikere tse etsang hore ho be bonolo ho nwaetsa, haholoholo moepeng. Ka tlwaelo dibaesekele di na le lebidi le leholo la kere le nang le moraho (pedal) o tlameletsweng, hammoho le kgetho ya mabidi a dikere a boholo bo fapaneng lebiding le ka morao. Ha moraho o potoloha, ketane e potoloha hodima kere ya mabidi a ka morao.
Ako shebe lebidi la kere le nang le moraho, mme o le bapise ka boholo le mabidi a dikere bohareng ba lebidi le ka morao. O lemoha eng ka ona?
Boholo ba batho bo se bo ile ba palama baesekele moepeng. Ha moepa o ntse o eketseha, ho ntse ho eketseha ho ba boima ho nwaetsa baesekele, mme hangata mopalami wa baesekele o tla tjhentjha dikere hore ho be bonolonyana. Ha mopalami a etsa jwalo, a tjhentjha dikere, ketane e tloha kereng e nyane, e leba ho e kgolo e nang le meno a mangata, e leng se etsang hore ho be bonolo ho tsamaisa moraho. Meno a mangata kereng a etsa hore ho be bonolo ho palama baesekele moepeng le hoja baesekele e tla tsamaya butlenyana.
Ho tla etsahala eng ha eba mopalami wa baesekele a tjhentjha kere ho tloha ho e kgolo ho ya ho e nyane Na ho tla ba bonojana kapa boimanyana?
Lebaka le etsang hore ho be bonolo ho palama moepeng ha dikere di tjhentjhwa ke sena se bitswang ratio ya dikere kapa velocity ya ratio. Ratio ya dikere e ka sebetswa ka sebopeho sa dinomoro, mme mehlala e bontshwa tlase mona. Hantlentle, ratio e fumanwa ka palo ya meno lebiding ka leng la kere, ketane yona e lebalwa hanyane, ha e kene mona.
Ha kere ya morao e bidikoloha hang, kere ya SEPROKETE yona e tla bidikoloha makgetlo a makae?
Mohlala o ka hodimo o bontsha hore kgetlo le leng le le leng ha kere ya moraho e potoloha hang, kere ya SEPROKETE lebiding le ka morao e potoloha habedi, e leng se etsang hore ho be bonolo ho palama baesekele moepeng.
Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?
Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?
Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?
Ratio ya kere e ama lebelo jwang?
Ratio ya kere e re bolella hore kere e le nngwe e potoloha ka lebelo le lekae ha e bapiswa le e nngwe.
Ha eba kere e potolohisang (meno a 10) e potoloha ka lebelo la 5 rpms, mme e hoketswe kereng e nngwe e potolohiswang (ya meno a 50), kere ena e tla potoloha lekgetlo le le leng.
Ha eba kere ya rona e nyane e ne e bidikoloha 1x, kere ya rona e kgolo e potoloha 1/5. Ho nka ho potoloha ha makgetlo a 5 a kere e nyane ho ya ho potoloho e le nngwe ha kere e kgolo. Ka hoo kere e kgolo e potoloha ka lebelo la 1/5 e leng 1 rpm (potoloho e le nngwe ka motsotso).
Ho etsahala eng ha eba ratio ya kere e ne e le 1:3?
Maemong ana kere ya rona e potolohisang (input gear) e boholo ba 3x papisong le kere e potolohiswang (output gear).
Ha eba kere e potolohisang (input) e ne e potoloha ka 20 rpms, potoloho e le nngwe e ne e tla qetella e entse dipotoloho tse 3 tsa kere e potolohiswang. Sephetho e ne e tla ba 60 rpms.
Driver ke kere kapa seprokete se nang le matla ka ho otloloha. Mohlaleng wa baesekele, motho ya palameng baesekele o e kganna ka ho hata meraho. Seprokete se seholo seo meraho e leng ho sona se bitswa driver (matla a tswa ho sona), mme seprokete se senyane lebiding le ka morao se bitswa driven (se a tsamaiswa). Ha se ka mehla hore ebe seprokete se seholo ke sona driver ya se senyane - boholo ha se yona tabataba. Taba ya bohlokwa feela ke hore ke sefe se nang le matla!
Hopola hore ha ho le teng diprokete tse mmalwa tse hokahantsweng ke diketane tse hokahantsweng shafteng e le nngwe, ho ka ba teng seprokete se seng seo e leng driver ya tse ding tse latelanang.
Ha ho latelwa tatelano, ho bohlokwa ho sheba boholo (sizes) ba dikere / diprokete. Diprokete di na le tshwaetso lebelong leo ka lona shafte e potolohang ka lona. Lebelo la ho potoloha ha shafte ke lona le laolang hore motjhine wa peo o potoloha kapele ho le hokae, e leng se laolang bongata ba peo e jalwang. Ho potlaka ha shafte ho bolela hore peo e ngata e tla jalwa.
Nakong ya (calibration) ho sothwa ho itseng ha motjhine, ha o ka lemoha hore ke peo e ngata haholo e jalwang, eba o tshwanetse ho tseba he hore shafte ya ho qetela e tsamaisang motjhine o jalang wa peo e potoloha kapele haholo, mme ka hoo, e tshwanetse ho tsamaiswa butlenyana. Mokgwa o le mong feela wa ho fokotsa lebelo leo la shafte ke ho fetola boholo ba diprokete tse sebediswang ho sebetseng ha shafte eo.
<fn>PulaImvula. Goal.2008-04.st.txt</fn>
Na re lahlehetswe ke moo re yang?
Ke tjhelete tse ngata haholo tse sebediswang ke Lefapha la Ditaba tsa Naha, Lefapha la Temo, Ditruste tse fapaneng, dikgwebo tsa agri (temo), dikhamphane tse rekisang thepa, mekgatlo ya tse sebediswang, hammoho le NGO's (ho qolla e seng mekae feela) mabapi le ntshetsopele temong ya Afrika Borwa. Empa potso e tla dula e ntse e ipetsa - Na tsena tsohle di na le diphetho tse ka thabelwang na?
Ntshetsopele, ho kenyeleditswe ntshetsopele ya molemi, e shebane le batho bohle. Ba tshwanetseng ho hola, hantlentle ke batho. Ke bona ba tshwanetseng ho ithuta le ho ba le boiphihlelo. Tsepamiso ntshetsopeleng ya molemi ha se hakaalo ya ka hlahisang dijothollo tse ngata ka ho fetisisa, empa tabakgolo ke ho hlahlella molemi ka bokgoni le tsebo, e leng tse tla etsa hore a kgone ho sebetsa ka boikemelo, tshebetso ya hae e kgonahale, mme e mo tswele molemo.
Ha eba ruri re batla ho bona phapang, ke taba ya bohlokwa ho beha leihlo mothong a le mong hammoho le setjhabeng, le ho etsa bonnete hore ke dife tseo ba nang le tsona, mme ebe moo ho ahwang hodima tseo tse leng teng. Hape, ho bonolo haholo ho potlakela tulong e itseng, ho tsepamisa maikutlo ho seo batho ba se hlokang, le ho iketsa eka o a ba thusa ka ho etsa tsohle tseo o nahanang hore ba tshwanetse ho di etsetswa. Ho tla etsahala eng mohlang o emisang ho ba etsetsa dintho Re tshwanetse ho nka batho moo ba leng teng motsotsong wa jwale, re ye butlebutle le bona, le teng ka hloko e kgolo, re ntse re nnetefatsa hore ba kgotsofetse ka diphetoho tse bang teng hamoho le tsona dintshetsopele tse ba isang moo ba batlang ho ya teng (eseng moo rona re nahanang hore ba lokela ho ya teng)?
Ho bonahala eka ho beilwe maikutlo ho "e kgolwanyane ke yona e molemo". Ruri, ho na le moo batho ba simollang teng, le hoja e ka nna ya ba ka mokgwa o fokolang. Ho teng batho bao e leng balemi ba iphelelang feela ka tse tswang temong ya bona, ba sa tsotelleng ho ba eng kapa eng - le hona ho ntse ho itoketse. Empa hape ho teng ba sebetsang tsa temo hantle, mme ba tswela pele le hoja e le ka ho fokola. Tsatsi le leng e tla be e le balemi ba baholwanyane. Ho boetse hape ho teng ba sebetsang tsa bolemi ka mokgwa o moholo, mme ba bonahala ba atleha (mme ho feta mona, ho sa boetse ho teng mehato e fapaneng dipakeng).
Ha eba boiteko ba rona ba ntshetsopele e le bo atlehileng, re tshwanetse ho fumana moo batho ba leng teng, mme e be moo re simollang teng - ha ke kgahlwe ke ho fumana borakonteraka ba baholo ba tlilo ntshebeletsa (ho ntjalla), ebe ba lokisa le ho nkotulela, ebe ke bolela hore sena ke 'ntshetsopele ya molemi' - hona ha se ntshetsopele, mme borakonteraka bana ba ka nna ba itshwanela feela le batho ba hirileng masimo. Nnete ke hore, ho ne ho ka nna ha eba molemo ha balemi ba ne ba hirisitse masimo a bona ho borakonteraka jwalo ka hona jwale, etswe ditshenyehelo di bonahala di tswile taolong ka ho phahama, mme rakonteraka o boetse o na le seabo phaellong e etswang (o ja habedi ha molemi yena ho ka nna ha etsahala hore a se je ho hang).
A re ke re kgutlele hape morao ho tsa sehlooho, mme re behe maikutlo a rona ntshetsopeleng ya batho. Ha eba masimo a hao a sebediswa ke rakonteraka ya itseng, e moholo - nahana halelele le ka ho teba mabapi le hore o lebile hokae, le hore ho tla o nka nako e kae hore o be molemi, ho ena le ho ba feela monga polasi ka lebitso.
<fn>PulaImvula. Graanprodusent.2008-08.st.txt</fn>
Bakgethwa ba tsheletseng ba tla hlodisana tlasa sehloho: Mohlahisi wa Selemo sa 2008 ya holange wa dijothollo, o kgethilwe. Ka di 17 tsa Mphalane, mohlodi o tla phatlalatswa moketeng o ikgethang o tla beng o hlophisitswe ke Grain SA.
Deliwe o hlahile ka selemo sa 1961, a hlahela Kagiso, Krugersdorp mme ke letsibolo la Ntate le Mme Ntebele. Ntate wa hae e ne e le rapolasi, mme wa hae e ne e le mooki. Deliwe o nyetswe ke Ntate Olebogeng Mutlwane mme ba na le bana ba babedi. O fumana morolo le tshehetso ho mme matsale wa hae le ho monna wa hae.
Deliwe o kene sekolong sa Aobakwe Primary se Itsoseng mane Profensing ya Leboya-Bophirima le sekolong sa Reeitumetse Secondary moo a qetetseng sehlopha sa 12 teng. O ile a tswela pele ka dithuto tsa hae mme a ithutela lengolo la botitjhere mane Bethel Seminar le la ho haha ka setene le ho aha boemong ba N6. Ho latela moo Deliwe o ile a ahela Mmasepala le ba Lefapha la Kaho ya Matlo.
Selemong sa 1991 Deliwe o ile a tlohela tsa boiphediso ba hae ya ba o qala ho etsa tsa temo ka sewelo jwalo hofihlela selemong sa 2002 moo e bileng rapolasi wa ka dinako tsohle. O hirile polasing e Marotse (sebakeng sa Delareyville) hape o etsa tsa temo le mme matsale wa hae. Ke leloko la sehlopha sa boithuto sa Frischgewaagd sebakeng sa Delareyville; o nnile a kenela ebile o ntse a kenela dithuto tse kgutshwane tse kang tsa Thlokomelo ya terekere le disebediswa tsa polasi, Tlhahiso ya poone boemong bo tlase, Tlhahiso le thekiso ya poone boemong bo phahameng, Taolo ya Kgwebo ya Temo le Taolo ya Diprojeke tsa ba ha Grain SA, NWK, Rapolasi ya Tshepisang le Kgwebo Kajeno.
Deliwe ebile rapolasi ya ikemetseng wa sonobolomo le poone ka dilemo tse nne, hape o na le diruuwa tsa dikgomo, dikolobe, dipudi le dinku.
Isaac Khuto o hlahetse Boksburg selemong sa 1944 moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng e le tlelereke shopong. Ha a le dilemo tse pedi batswadi ba hae ba ile ba mo romela Ficksburg polasing, moo a holetseng teng a phela le rangwanae le mmangwanae. Ho tloha a le dilemo tse supileng o hopola a disa dinku, le jwale o sa hopola monko wa jwang hoseng ka matjeke, ha maru a hlakile hona hoo a neng a bona dithaba tsa Lesotho. Ba ne ba atisa ho shebella diterekere di sebetsa naheng ya Lesotho mme o ne a dula a ipotsa hore ho tla ba jwang ho kganna terekere ka le leng la matsatsi.
Isaac o kene sekolong sa polasi mme hamorao a fetela Sekolong se Phahameng Ficksburg moo a pasitseng Sehlopha sa 6 teng. Isaac o sebeditse Frasers e Ficksburg dilemo tse leshome le metso e mmedi. Ha a se a bontshitse thahasello ya hae kgwebong, o ile a qala kgwebo, a reka le ho rekisa ditholwana le meroho. Ha kgwebo e ntse e hola, o ile a kgona ho reka tekesi ya hae ya pele mme o ile a tswella ho ntshetsa pele kgwebo ena dilemong tsa 1978 ho isa ho 1998. Selemong sa 1983 Isaac o ile a bona monyetla kgwebong ya kamohelo ya baeti mme o ile a reka hotele kapa ntlo ya baeti. Hotele e sa le ya hae hape o na le laesense ya ho rekisa jwala.
Bophelong ba hae, Isaac ekile ya ba raditebele wa profeshenale. O qadile e le leametjha selemong sa 1960 mme hamorao ya ba profeshenale. O re: "Ka hara sedikadikwe sa ditebele ke wena le tsebo ya hao feela," - mona ke moo a ithutileng ho itshepa teng. "Ha ho na moo motho a ka ipatang teng kapa a balehela teng, o ithuta ho thulana ka hlooho le bophelo," o rialo Isaac. Isaac o sa ntse a kwetlisa sehlopha sa ditebele sa Ficksburg, e ne e le modulasetulo wa Sehlopha sa Ditebele sa Free State mme ha jwale ke modulasetulo wa profensi wa Federeishene ya Ditebele ya Free State. Hape ke modulasetulo wa sehlopha sa boithuti sa Imperani sa Grain SA mane Ficksburg.
Ka selemo sa 1998, Isaac o ile a reka polasi, Diyatalana ya boholo ba diheketara tse 230 mme yaba ke ha a qadile tseleng ya boiphediso e le rapolasi. O ne a ratile ho reka polasi yohle ya boholo ba diheketara tse 460 empa o ne a tshaba ho ikenya sekolotong se boima haholo - polasi e ile ya arolwa dikoto tse pedi mme yena a reka karolo e nngwe. Ka selemo sa 2006 o ile a kgona ho hira diheketara tsa tlatsetso tse 65 tsa mobu wa lemehang wa boiphihlelo bo hodimo haufi le polasi ya hae.
Dilemong tsa 2007/2008, Isaac o ile a kotula palohare ya ditone kapa diheketara tse 3,5 tsa koro sebakeng sa boholo ba diheketara tse 79, le ha poone ya hae ile ya hlaselwa ke sefako kotulo e ntse e le e ntle.
Isaac o nyetse Lerato mme ba hlohonolofaditswe ka mora le baradi ba babedi.
Maphale o hlahetse polasing ya Magdelena, moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng, seterekeng sa Fouriesburg selemong sa 1969. Lapeng labo ba ne ba le robedi - bashanyana ba babedi le banana ba tsheletseng. Maphale o kene sekolo motseng wa Mashaeng kantlenyana ho Fouriesburg, moo a fetileng lengolo la sehlopha sa 12 teng. Nakong ya mafelo a beke o ne a ya polasing e mabapi, polasing ya Ntate Linde du Plessis, moo a neng a kganna terekere hape a thusa. Maphale o ile a bona tsela eo Ntate du Plessis a neng a sebetsana le mobu ka teng mme o ne a lora ka ho ba le polasi ya hae. "Ntate du Plessis o nthusitse haholo ka ho tsosa tjantjello ya ka hape ke ne ke mamela Mme Jane McPherson ha a ne a bua seyalemoyeng sa Lesedi ka bopolasi ba dijothollo mme o ile a ntshusumetsa ho lemoha toro ya ka," o rialo Maphale.
Maphale o sebeditse Lefapheng la Taba tsa Lehae Fouriesburg, Moeding, ho tloha 1993 - 2007. Selemong sa 1996 o ile a qala bopolasi ba hae ka dikgomo le dinku naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho hona Fouriesburg. Ka selemo sa 2004 o ile a hira diheketara tse 30 tsa naha ho mohwebi wa rapolasi, Ntate Osborne, mme a jala poone. Ka selemo sa 2006 o ile a hira diheketara tse 4 179 tsa naha ho Mmasepala wa Fouriesburg mme mona ke moo a ntseng a etsetsa tsa bopolasi ba hae teng. "Nka nna ka kgona ho hira diheketara tse 400 tsa mobu o lemehang o bokgoni bo hodimo selemong sena, empa ba ha Grain SA ba tshwanela ho tla pele ba tlo hlahloba mobu oo," o rialo Maphale.
Maphale o nyetse Dianne mme ba dula Mashaeng le bana ba bona ba bararo.
Boy o hlahetse polasing e seterekeng sa Middelburg selemong sa 1948 moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng e le mosebeletsi wa polasi. O kene sekolo polasing moo a ileng a pasa sehlopha sa boraro teng. Nakong ena, ntate wa hae e ne e le rapolasi e seng wa ka nako tsohle naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho lebatoweng la Vlaklaagte. Boy o re o sa hopola hantle ha a ne a lema le ntatae mme ba sebedisa dikgomo ho etsa seo.
Selemong sa 1981 Boy o ile a qala ho ba rapolasi diheketareng tse 10 tsa naha ya mmuso eo a neng a e hirile. Hamorao, o ile a dumellwa ho sebedisa diheketara tse 50 tsa naha lebatoweng la Vaalspruit (pela Bronkhorstspruit). Nakong ya jwale, Boy o etsa bopolasi diheketareng tse 545 tsa naha eo a e hirileng ho mmuso mme hape o hirile diheketara tse ding tse 300 tsa mobu o lemehang ho borapolasi ba mabapi. O ile a jala poone feela naheng ena selemong sena. Hape Boy o na le mohlape wa dikgomo tse 300 tse fulang naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho nakong ya hlabula mme hape di fule masimong a poone nakong ya mariha.
Boy o nyetse Linah eo e neng e le moratuwa wa hae ha ba sa le sekolong mme ba hlohonolofaditswe ka bana ba bane. Ke setho se matjato sa sehlopha sa boithuti sa Grain SA hape o ile a kenela dithuto tsa Tlhahiso ya Poone hammoho le tsa Tlhokomelo ya Diterekere le Disebediswa tsa Polasi. Dikgweding tse tlang, o tla kenela dithuto tsa boemo bo Phahameng tsa Tlhahiso le Thekiso ya Poone le ya Taolo ya Kgwebo ya Temo.
Ntate wa Labious o ne a tswa Koppies, Foreisetata. O ne a ahile Lombaardslaagte moo Labious a hlahetseng teng ka selemo sa 1948. Ke e mong wa bana ba leshome le metso e mmedi. Ntate wa hae o ile a hlokomela hore ba ahile naheng e lemehang yaba o qala ho lema, a sebedisa dikgomo. "Lerato la ka la temo ke lefutso leo ke le fumaneng ho ntate," o rialo Labious.
Labious o pasitse sehlopha sa botshelela selemong sa 1966, mme kamorao ho moo a phetela lengolo la ho aha selemong sa 1969. O ahile dikolo lebatoweng la Mafikeng ho tloha ka selemo sa 1970, hape o sebeditse moahong wa pele wa mekato e mmedi Mafikeng. Hamorao, a sebetsa lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba.
"Ka lebaka la lerato la ka la temo, ke ile ka qala ho lema ho seng ha nako tsohle ka selemo sa 1975. Ke ne ke na le diheketara tse 15 tsa naha eo e leng yaka (ka hare ho naha eo setjhaba se e sebedisang mmoho) hape ka hira diheketara tse ding tse 30," o rialo Labious. Nakong eo a ntseng a sebetsa Lefapheng la Mesebetsi o ne a na le tokelo ya ho nka matsatsi a 30 a phomolo ka selemo. O ne a etsa bonnete ba hore o nka lifi sehleng seo ho jalwang ka sona hore a tle a kgone ho hlokomela temo ya dijalo. Labious o ne a na le mosebetsi a le mong feela mme ba ne ba sebetsa bosiu le motshehare sehleng seo ho jalwang ka sona - ka terekere ya hae, Massey Ferguson 65. "Ke ne ke sebetsa toropong mahareng a beke e re mafelong a beke ke ye hae ho hlahloba dijalo," o rialo Labious.
Kgwebo ena ya hae ya polasi e ile ya hola mme ho tloha 1991 o ne a se a dula polasing mme a palama ho ya mosebetsing letsatsi le leng le le leng. Labious e ne e se rakgwebo wa ka nako tsohle hofihlela 1996, nako eo a neng a sebeletsa diheketareng tse 500. Labious o qadile ho ba rapolasi wa ka nako tsohle ho tloha selemong sa 1997 mme ha jwale o lema naheng ya diheketara tse 1 000.
Samuel o hlahetse polasing, seterekeng sa Reitz moo ntate wa hae e neng e le mosebetsi wa polasi teng, selemong sa 1944. E ne e le mong wa bashanyana ba bahlano lelapeng leo. Samuel o kene sekolo Reitz mme o ile a pasa sehlopha sa botshelela. Ha a se a qetile sekolo o ile a ya Johannesburg mme a sebetsa khamphaning ya boenjinere mme a sebetsa e le mothusi feela nakong ya dilemo tse tsheletseng. Samuel o ile a ya Phuthaditjhaba mme a bula lebenkele la kerosari teng. "Ka ha ke ile ka hlahela polasing, esale ke rata ho ba rapolasi mme itse ha ke fumana monyetla wa ho hira polasi seterekeng sa Kaallaagte selemong sa 1997, ke iIe ka qhomela monyetla oo," o rialo Samuel. O ile a dula polasing ena nakong ya dilemo tse tharo. Selemong sa 2000 o ile a reka polasi e bitswang Lorelei, seterekeng sa Paul Roux a sebedisa thuso ya mmuso ya R30 000 hape a kadima e nngwe Land Bank.
"Ho ne ho le boima, empa selemong sena ke ile ka kgona ho patala sekoloto sa ka sa tlhahiso ho OVK le Land Bank ka thuso ya ba ha Grain SA le OVK, ka ba ka sallwa ke tjhelete ya ho lema diheketara tse 30 tsa koro," o rialo Samuel.
<fn>PulaImvula. HailWheat.2008-09.st.txt</fn>
Koro ke sejothollo se boi haholo, se tshabang sefako - ho fihlela le nakong ya kotulo. Ho a kgonahala hore sefako se matla se ka rinya koro mph hoo ho ka salang ho se letho le ka kotulwang.
Sehla sa tswelopele ya ditsejana le ho butswa ha koro Foreisetata e ka Botjhabela se fihla ka nako e le nngwe le sehla seo ka sona pula le dikgohola tse matla tsa sefako di ka lebellwang dibakeng tse ngata. Ke taba ya bohlokwa hore balemi ba eme ka maoto ho inshora koro ya bona kgahlanong le tshenyo e ka bakwang ke sefako.
Boteng ba sefako bo fapana ho ya ka dibaka. Le yona tefello ya inshorense ka kgwedi le kgwedi e fapana jwalo - dikhamphane tse inshorang koro ke tse nang le bopaki ba nako e telele, mme di phahamisa tefello ya kgwedi haholwanyane dibakeng tseo kotsi ya sefako e phahameng haholo ho tsona. Jwalo ka molemi wa koro, o tshwanetse ho ikopanya le dikhamphane tse inshorang koro, mme o fumane keletso hore o ka nka inshorense neng, hammoho le kuno le boleng ba inshorense e nkwang. Ha eba o hloka bonnete ka taba ena, ikopanye le agribusiness e haufi le wena (hangata e tla ba OVK eo ofisi e kgolo ya yona e leng Ladybrand, VKB eo ofisi e kgolo ya yona e leng Reitz le Senwes eo ofisi e kgolo ya yona e leng Klerksdorp) - o tla fumana keletso e hlwahlwa e ka nnang ya pholosa kgwebo ya hao.
<fn>PulaImvula. Harvest.2007-12.st.txt</fn>
Ke nako ya kotulo!
Ditshwantsho tsena tse tsamayang mmoho di bontsha kotsi e ka welang molemi wa koro ha eba ditlhophiso tsa dicombines di sa etswa. Ditshwantsho tsena di nkilwe ka Hlakola masimong a Kaapa Botjhabela - koro ena ha e a ka ya kotulwa, mme masimo a ile a tlameha ho tjheswa!
Ke taba e maswabi ya hore ka mora mosebetsi wa selemo hore ho se be le ha e le dijothollo tse kenngwang ka sesiung, mme matsapa a tshwanetse ho etswa ka matla hore sena se se etsahale.
Ka bomadimabe koro ke sejothollo se tshwanetseng ho kotulwa ka motjhine hore kuno e be hodimo, le yona kereiti, mme ho thasisella mona, bakotudi ba koro ba sebedisa metjhine e itsamaisang, e leng se bolelang hore metjhine ya bona ke ya theko e hodimo. Ho hlophisa koro ho ya ka kereiti ke taba e hlokolotsi haholo mabapi le poreisi, mme koro ke sejothollo se lahlehelwang ke kereiti ya sona kapelepele le ha bonolo ha eba e sa kotulwe nakong e nepahetseng. Koro e tshwanetse ho kotulwa kapele ka moo ho kgonehang, ka ha le yona pula e nyane e welang hodima koro e butswitseng e lekane ho theola kereiti ya koro le ho etsa hore tlhahiso ya koro e se be le phaello.
Boholo ba balemi ba banyane bo tlamehile ho sebedisa borakonteraka ba dicombiners (metjhine e kotulang koro) ho kotula koro.
Hangata ba kena selekaneng le balemi e sa le pele sehleng.
O na le tjheseho ya ho etsa dihekthare tse ngata hobane sena se bolela tjhelete ho yena.
O sitwa ho noha hore pula e tla na kae, neng, mme sena se ka mo diehisa.
O kgetha ho kotula masimo a maholo a hlokang dicontours (ditepisi tse arolang karolo e hodimo le e tlase ya masimo) ka ha metjhine e kgona ho etsa hekthare tse ngata ka letsatsi ka baka la metjhine e mmalwa masimong.
Ha a rate ho emela ditrailara (trailers).
O lefuwa ho ya ka palo ya hekthare tseo a di kotulang, eseng ka kereiti e fumanwang ke molemi.
O shebane le kotsi ya ho robeha - ha metjhine e sebetsa haholo sena se a etsahala, mme se ke ke sa porofetwa.
O sitwa ho fumana diparete tsa metjhine ka ha ho robeha ho etsahala nakong tsa Keresemese le New Year, nakong eo batho ba ratang ho ya phomolong.
Kaofela ha tsena ho bonahala eka di re beha ka mosing, empa ho bohlokwa ho shebisisa dikoti e le hore re etse maqheka nako e sa le teng.
Ho etsa ditlhophiso le rakonteraka nako e sa le teng.
Ho etsa bonnete hore rakonteraka ha a a ikimetsa ka mosebetsi.
Ho etsa bonnete ba hore mafika a manyane le palo ka moo ho ka kgonahalang ka ha tsena di ka lematsa theibole ya motjhine.
Hlophisa ditreilara tse lekaneng ka palo hore di be teng masimong hore mosebetsi o se diehiswe.
Etsa ditlhophiso tsa (setoro) ho beha koro ha eba e ke ke ya tloswa masimong.
Etsa ditlhophiso le disiu tsa selehae mabapi le ho omiswa ha koro, ha mohlomong eba sena se ka tshoha se tlameha ho etswa.
Di pedi dintho tse monate mabapi le sehla sa kotulo - ho phetheha ha saekele e itseng ya tlhahiso ya dijothollo hammoho le ho simolla ha sehla se hlahlamang. Mabapi le balemi ba hlahisang koro Foreisetata, ntlha ena yohle ya paballo ya mongobo mobung, mohlomong ke yona ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ya tshebetso yohle ya tlhahiso ya koro nakong ya lehlabula.
Bohlokwa ba ho baballa mongobo mobung ke taba e ke keng ya hatellwa ho feta mona. Tshebetso ena e tlamehile ho simolla hanghang ka mora kotulo ya dijothollo tsa nako e fetileng.
Ya pele ke ho phalla feela ha metsi, e leng moo mobu o leng thata, mme ka baka lena, metsi a sitwa ho monyela mobung, kapa dipula tse matla di na ka sekgahla hoo metsi a sitwang ho monyela mobung.
Ya bobedi ke tshebetso ya 'capillary' - ke motsamao wa metsi ho ya bokahodimong ba mobu moo metsi a etsang phofodi le ho lahlehela sebakeng. Sena se etsahala ha bokahodimo ba mobu bo le thata le ho petetsana haholo.
Ya boraro ke tlhodisano kgahlanong le mahola - mahola masimong a sebedisa mongobo oo wena jwalo ka molemi o lekang ho o baballela dijothollo tse hlahlamang.
O tlamehile ho tsamaisa ditaba tsa masimo a hao ho tloha nakong ya kotulo e fetileng ho isa nakong ya ho jala ho etsa bonnete hore o baballa metsi a mangata haholo mobung ka moo ho kgonahalang ka teng. Katleho ya dijothollo tse hlahlamang e matsohong a hao!
<fn>PulaImvula. Hat(maize).2011-01-12.st.txt</fn>
Katiba ya lefatshe - tshireletsa thepa ya hao!
Grabber: Tshireletso ya mobu wa hao ke ntho e ntle ruri!
Ha motho o nahana ka dipalopalo tse bontshang hore mehato ya ho nona ha mobu Afrika e ka borwa e ntse e nyehla, le hore tse bolang mobung le tsona di ntse di fokotseha temong ya mobu o tulong ya komello, eba he ho se ho le teng mabaka a mangata a matle a ho nahana ka ho jala dijothollo tse tshireletsang, haholoholo ha dipula tsa moraorao kapa ditjeo hammoho le tse kenngwang mobung, tse bonahalang di ntse di phahama ka theko - ka bobedi ke tseo re kopanang le tsona sehleng sena, mme ke tse ka thibelang molemi ho jala poone.
Le hoja dijothollo tse tshireletsang di nnile tsa sebediswa mekgweng ya phapantsho ya dijothollo dilemokgolong tse ngata tse fetileng, matsatsing a kajeno balemi ba se ba tlwaetse ho sebedisa manyolo le dibolayalehola bakeng sa hoo. Kelohloko e ntseng e hola ya tlhoko ya ho tshireletsa tikoloho e supa ha balemi ba sejwalejwale ba kgutlela hape dijothollong tse tshireletsang, tsa phapantsho ka baka la melemo e fumanwang ho tsona.
Popeho ya mobu e ntlafatswa hang feela ha semela se eba le metso, mme se hola mobung o kopaneng. Mobu o ba le masoba, mme o kgona ho monya le ho tshwara mongobo. Ha masimo a tlohelwa a sa lengwe nako e telele, bokahodimo ba mobu bo a teteana, bo ba thata, bo etsa hore metsi a bohlokwa a fete feela ka hodimo. Dijothollo tse tshireletsang di tshireletsa bokahodimo letsatsing le tjhesang haholo, mme jwalo ka kobo di fokotsa ho teteana ha mobu, mme di kenya diphedi (living organisms), tse kang diboko tse bang teng ka baka la dimela tse bolang.
Dijothollo tse tshireletsang di thusa ho tshwara mobu hore tahlehelo efe kapa efe ya mobu e ka bakwang ke metsi kapa moya e fokotsehe haholo.
Dijothollo tse ngata tse tshireletsang di fana ka mohlodi wa tlhaho wa manyolo a nonneng a tse bolang. Mefuta ya monawa e eketsa nitrojene ya bohlokwa mobung. Moo o kentseng manyolo hantle sehleng sa dijothollo, mme eba ho na le nitrojene e fetang tekano mobung, mohlomong ka baka la dijothollo tse fokolang ka baka la komello, eba he menontsha ena e sebedisetswa melemo e meng ka ho jala dijothollo tse tshireletsang, tse kang furu, ka ha yona e na le potassium le phosphorous e ngata.
Bothata boo balemi ba kopanang le bona ke kgaello ya menontsha, haholoholo wa N le P. Hona ho ka rarollwa ha bonolo ka manyolo a lokisang bothata bona, empa balemi ba fokolang, ba ntseng ba thuthuha, ba sitwa ho kgetha mokgwa ona, mme ka hoo, sejothollo se tshirelletsang, se kenngwang lenaneng la phapantsho, se fetoha tharollo e ntle e kgannelang phaellong ya tjhelete hammoho le mononong wa mobu. Ka kakaretso ho dumelwa hore ka ho sebedisa semela sa hlabula sa mofuta wa monawa se kang dierekisi (cow peas) saekeleng ya phapantsho le poone, ho tlisa kuno, mme tlhahiso e ka ntlafatswa, le monono wa mobu o ka ntlafatswa, mme ditjeo tsa manyolo tsa theoha.
Ho teteana ha sejothollo se tshireletsang se kang dierekisi kapa jwang ba tefe (teff grass) ho fana ka moriti letsatsing, mme ho boetse ho hatella mahola, a neng a ka nna a hola ka bolokolohi.
Maemong a mang moo dijothollo tse kang dierekisi (akkerboontjies) le teff (eragrostis tef) di jetsweng, sejothollo ha se thuse feela mobu nakong ya sehla moo ho sa kang ha jalwa poone teng, empa se boetse se fana ka molemo wa dijo tsa mehlape ya hae tse tla ba bohlokwa sehleng sa komello seo a yang ho sona.
Boholo ba dijothollo bo kenya motho ditjeong tsa ho nka thepa masimong moo e hlahiswang teng ho e isa moo e rekiswang teng, ha dijothollo tse tshireletsang tsona ka kakaretso ho sa lefshwe letho ho tsona, ka ha hangata di hlahisetswa ho sebediswa moo di jalwang teng, kapa bonyane masimong a lehae ka boona.
Se tshwanetse ho jalwa neng?
Sepheo ke sefe sa tshebediso ya sona?
Ke dijothollo dife tse tshireletsang tseo ka tlwaelo di sebetsang hantle lebatoweng la ka?
Na masimo ana a hloka mofuta wa monawa (legume) kapa sejothollo se tsireletsang seo e seng sa monawa Hopola hore dijothollo tse tshireletsang di eketsa nitrojene ka ho e nka sepakapakeng, ha dijothollo tseo e seng tsa monawa tsona di sebedisa nitrojene e seng ntse e le teng mobung hammoho le menontsha e meng?
Tse ding tsa dijothollo tsa mofuta wa monawa tse kgonahalang ke: dinawa tsa tswekere, lesere, dierekisi (field peas kapa cow peas), dimela tsa furu, jwalojwalo. Dijothollo tse ding tseo e seng tsa mofuta wa monawa tsona ke: jwang ba tefe, rogo, jwang ba tshaane, habore, koro, dihwete tse jewang ke dikgomo, furu kapa salate ya meroho ya Majapane.
Dierekisi tsena ke dijothollo tsa lehlabula tse kgonang ho mamella komello le motjheso. Ke semela se bang teng selemo le selemo se fihlellang bophahamo ba 80 cm, mme se na le motso o motenya o kenellang tlase. Se hola ha monate mobung o lehlabathe, o sa nonang. Se molemo mobung hobane se ka mela mobung o haellwang ke nitrojene ntle le ho tlatselletswa ka manyolo, empa taba ya bohlokwa ke hore se boetse se molemo ho ka sebediswa ke batho le diphoofolo, ka ha mahlaku, kebolwa le peo di ena le boleng bo phahameng ba menontsha. Dierekisi tsena di ka nna tsa omiswa le ho bolokwa hantle.
Makgulo ana a lenngweng ke a holang selemo le selemo nakong ya beke tse 8 - 12. Jwang bona bo ithatela maemo a lehlabula a lekaneng hantle, mme bo hola hantle mobung o seng metsi haholo. Mofuta ona wa jwang ke setshireletso se setle sa mobu, mme ho teteana le ho hola ka sekgahla ha bona ho bipetsa le ho kgama mahola a sa batlahaleng. Bo sebediswa haholo jwalo ka furu, mme bo hloka ho helwa bonyane habedi nakong ya sehla se setle. Furu e tshwanetse ho helwa pele peo e butswa.
Menyetla e tliswang ke dijothollo tse tshireletsang, tsa phapanyetso, tse lengwang nakong ya sehla sa metsi, ke e babatsehang, e leng moo molemi, ka mabaka a itseng, a sitisitsweng ho jala dijothollo tsa hae tse tlwaelehileng nakong ya sehla se metsi. Balemi ka lefatshe lohle ba tsebilwe ka ho rehella dijothollo tsena "katiba ya lefatshe" ka baka la tshireletso eo di e fang mobu. Ho hlakile hore ho beha mobu wa hao wa bohlokwa tlasa setshireletsi ke ntho e ntle haholo!
<fn>PulaImvula. Heart.2010-01.st.txt</fn>
Grain SA e tsamaisa lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi, le tsheheditsweng ka ditjheletre ke Trusete ya Poone, Trusete ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine, Trusete ya Mabele le Trusete ya Diserele tsa Mariha, e leng ka sepheo sa ho hlahlella balemi ba Afrika Borwa ka tsebo e tliswang ka kwetliso le ka tshebeletso e kgemang mmoho le mafapha a tshehetsang ka dintho tsa letsatsi le letsatsi tse ka fihlellwang ha bonolo.
Ka hobane Grain SA e na le sehlopha sa ditsebihadi tse kgonang ho fana ka bokgoni ba boleng bo phahameng le thuto baleming ba batjha ba Afrika Borwa, e tadingwa ka ho potlaka jwalo ka moetapele lefapheng la Ntshetsopele ya Molemi naheng ena. Ditho tsa Grain SA di dumale hore lenaneo lena le tla thusa ka diphetoho tabeng ya ho hlahlella batho ba neng ba tinngwe menyetla pele hore ba kgone ho hlodisana ntle le leeme indastering ya dijothollo. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore ho utlwisiswe ka ho hlaka hore Grain SA ke mang, le hore e kgatha tema e kae sedikadikweng se sephara sa temo Afrika Borwa.
Grain SA ke mang?
Grain SA ke mokgatlo wa boithaopo o shebaneng ka ho otloloha le indasteri ya dijothollo ya naha le ya matjhaba. E shebane le ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa balemi bohle ba dijothollo ba Afrika Borwa.
Molemi e mong le e mong ya sebetsang, ya ntshetsang pele sepheo sa Grain SA, o na le tokelo ebile o kgothaletswa ho ba setho sa mokgatlo hang hoba a lefe tjhelete e hlokahalang ya botho.
Grain SA e kgatha tema efe tikolohong ya temo Afrika Borwa?
Grain SA ke hloho e laolang indasteri ya dijothollo tsa naha ka bophara, mme sepheo sa yona ke ho ba molomo wa wa balemi bohle ba dijothollo Afrika Borwa ka mokgwa oo e kgonang ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa balemi ba dijothollo le ba marangrang ka bophara ba ona indastering ya dijothollo.
Grain SA ke leihlo le ntjhotjho indastering, mme e kene ka setotswana mosebetsing wa ho rala leano le ho etsa diqeto tse amang ditabatabelo tsa balemi ba dijothollo lebitsong la ditho tsa yona. Grain SA e boetse e teka maikutlo le menahano ya balemi mmusong, mme ka ho sebedisana le mmuso e rarolla mathata le ho ralwa ha molao.
Sepheo sa motheo sa Grain SA ke ho hahamalla tlhahiso e hlwahlwa hammoho le tikoloho e se nang leeme mmarakeng wa dijothollo. Mokgatlo o boetse o sebedisana ka matla le basebetsimmoho ba bang ketaneng ena ya boleng ka sepheo sa ho ntlafatsa tlhodisano ya indasteri ena e kgolo hore kgonahalo e be teng ya ho hlodisana le basebetsimmoho ba baholo ba matjhaba, ba kang USA le Brazil.
Dihlopha tsena di bopilwe ka basebeletsi ba Grain SA, ditsebihadi tsa tsebo e ikgethileng hammoho le balemi lekgotleng la Phethahatso.
Di hlahloba tikoloho ho fumana balemi ba batjha le ho leka ho ba kenya tlhahisong ya dijothollo le mebarakeng. Sehlopha sena se boetse se beha leihlo mosebetsing wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi.
Ho hlakile hore le hoja Grain SA e sitwa ho thusa ditho tsa yona (balemi) ka ditjhelete, e fana ka tshehetso le bokgoni, e leng tse hlokahalang ho molemi e mong le e mong wan aha. Mesebetsi ya mokgatlo ona e etsa hore balemi ba kgone ho tsepamisa tshebetso ho seo ba kgonang ho se etsa hantle ka ho fetisisa - e leng ho hlahisa le ho mmaraka dijothollo! Ho bohlokwa hore balemi ba dijothollo ba utlwisise hore Grain SA e thusa ka tse ngata ho feta thuto le kwetliso!
Molemi e mong le e mong wa Afrika Borwa o tshwanetse ho phehella ho ba setho se feletseng ka hohle sa Grain SA, se nang le tokelo ya ho vouta. Grain SA ha se feela leihlo la molemi wa dijothollo, empa ke ditsebe le molomo tikolohong ena ya temo e ntseng e rarahana ho ya ho ile, e boetseng e shebane le kgatello e eketsehang ya matla a tswang ka ntle jwalo ka tlhodisano ya lefatshe ka kakaretso. Ha eba ke phephetso ho balemi ba dijothollo ba seng ba ikemetse ho hlodisana mebarakeng matsatsing ana, ho tla ba boima hakae ho balemi ba batjha hore ba eme ba tiile, ba atlehile, e le bahwebi ba makgonthe Ntle le tshehetso le tsebo e hlwahlwa ya Grain SA, thuso le tshireletso ya ditabatabelo tsa balemi bohle ba dijothollo naheng ena di tla ba kotsing ruri?
<fn>PulaImvula. HelpMaize.2009-05.st.txt</fn>
Thusa hle - ke rata bolemi!
Balemi ba bangata ba re letsetsa mohala mabapi le kopo ena - "Nthuse hle, ke rata bolemi". Ba bang ba bona ke ba se nang letho, ha ba bang bona ba na le masimo le disebediswa. Bolemi ke kgwebo, mme ho kganna kgwebo matsatsing a kajeno ke ntho e boima - o tshwanetse hore o ikgwantlelle, o inehele, o ikemisetse ho ba le tsebo.
Ho ba lakatsang ho ba balemi, empa ba hloka masimo kapa yona metjhine, bothata bo rarahana le ho feta. Le ha ho le jwalo, hopola hore ha ho hlokahale hakaalo hore o be le masimo hore o be molemi. Nnete ke hore masimo ohle re a adimilwe - re bahlokomedi feela ba mobu, mme ha re eshwa, mobu ona o tla itshalla. Ha eba o fela o lomahantse meno ka bolemi, fumana mobu, le ha e ka ba o monyane, mme o qale hanghang. O ka hira mobu (hopola hore mobu wa poraevete o ka o adingwa, mme hape bongata ba bommasepala ba na le mobu o kopanetsweng ke bohle, e leng o ka hiriswang). O tlamehile ho simolla, hape o tlamehile ho ithuta le ho kena tshebetsong - O ke ke wa ba molemi feela ka dibuka, ka ha tseo ho ithutwang tsona bukeng di se matla jwalo ka tshebetso ya matsoho masimong.
Taba e hlahlamang eo o e hlokang ke tsebo - Bolemi bo mahlakore a mangata. Ho ya ka mofuta wa hao wa bolemi boo o bo rerileng, ho ka nna ha etsahala hore o tsebe ka dimela (dijothollo tsohle le tsa peo ya oli, meroho, dijo tsa diphoofolo le tshwele), diphoofolo (tse kgolo, tse nyane, dikolobe, dikgoho, tse ruuwang), metjhine (diterekere, diplantere, difafatsi le disebediswa tse phetholang mobu) hammoho le taba eo o tshwanetseng ho e tseba haholoholo, ya tsamaiso ya mehlodi eo o ilo e sebedisa (tjhelete, batho, metjhine le disebediswa tse ding).
Ha o na le sekotwana sa masimo, le ha e ka ba hekthara kapa tse pedi - wena tswela pele! Hang ha o se o simollotse, o se o ntse o le tseleng ya ho ba molemi wa mohwebi. O ithutile ka mekgwa e lokileng ya ho etsa tsohle. Ka bomadimabe, re lemoha hore batho ba ithuta ka mekgwa e lokileng ya ho etsa dintho empa ba ntse ba tswela pele ho etsa dintho ka mekgwa ya sekgalekgale. Oprah Winfrey o re, "Ha batho ba na le tsebo, ba etsa dintho hantle". Ha o ithutile ka ho nka disampole tsa mobu ho lekanya boemo ba menontsha ba mobu wa hao - etsa jwalo! Ha dikgothaletso mabapi le manyolo di kgutlela ho wena - sebedisa manyolo a nepahetseng (le ha e ka ba hekthareng e le nngwe ya hao). Reka peo e nepahetseng, etsa bonnete hore o jala palo e nepahetseng ya dimela meleng, le hore ho arohana ha mela ho nepahetse. Laola mahola a hao - mahola ke sera sa pele boleming ba dijothollo, a utswa dijothollong tsa hao! A utswa metsi, dijo, kganya ya letsatsi le moya - ha ho le a mong wa rona ya ka dumellang hore a nne a utswetswe, le tsona dijothollo tsa hao di ke ke tsa e dumela taba e jwalo.
Ha o se o ikutlwa hore o utlwisisa se tshwanetseng ho etswa boleming, eba he ke nako ya ho atolosa boholo ba masimo a hao. Re atisa ho utlwa batho ba bangata ba tletleba ka le reng masimo a bona a manyane - na sekotwana seo o nang le sona o se sebedisa ka mokgwa o hlwahlwa Na mohlomong o hlahisa haholo masimong a hao a manyane Na o sebedisa keletso tsohle ka moo o kgonang ka teng - hopola hore ka mehla ho teng batho ba tsebang haholwanyane ho feta wena, mme ba eme e le malala a laotswe ho o thusa?
<fn>PulaImvula. HopeWheat.2008-12.st.txt</fn>
Kotulo ya koro - O ka tshepa ho kotula eng?
Mohlahisi e mong le e mong wa koro o tla tshwenyeha haholo ka bokgoni ba kuno e kgonahalang ya sejothollo mehatong e fapaneng ya kgolo. Tekolo ya kuno e ka ba le molemo mabapi le qeto ya hore ho baballa ditjeo ho a tlameha kapa ha ho tlamehe ho sebedisa dibolayakokwanyana, dibolayalehola kapa manyolo mehatong e itseng ya ho tswela pele ha sejothollo.
Ho batla ho se na bohlale ba letho ho senya tjhelete le ho ikenya ditshenyehelong tse ngata ka ho reka disebediswa mabapi dijothollo tseo ho bonahalang hore kuno ya tsona ha e kgeme mmoho le ditheko tsa dimmaraka. Mehato e batsi ya tekolo e se e ntsheditswe pele ke ba shebaneng le inshorense, e leng ba lekolang kuno pele le ka mora tshenyo e ka bakwang ke sefako le serame. Ho bohlokwa ho kgona ho lekola bokgoni ba kuno ya sejothollo pele o saena dikonteraka tsa tshireletso ya inshorense mabapi le sejothollo.
Ho etsa tekanyetso ya kuno ho a kgonahala ka ho qala pele ka ho lekanya palo ya ditsejana hekthara ka nngwe, ebe ho latela palo ya (kernels) (dipeohare e leng dikarolo tse ka hare tsa peo) peo ka nngwe, ebe ho latela palohare ya bongata ba dipeo hloohong ka nngwe.
Palo ya dihlooho e ka lekanyetswa moo kutu e simollang ho atoloha teng ka ho baka dikutu kaofela tse nang le bonyane mahlaku a mararo boleleleng bo lekantsweng ba mela. Dikutu tse nang le mahlaku a ka tlasa a mararo nakong eo kutu ya sehlooho e qalang ho etsa makalana, hangata di a senyeha. Ke mokgwa o motle ka ho fetisisa ho arohanya dimela mohatong ona o simollang wa tswelopele e le hore o kgone ho bala ka nepo dituku tse nang le mahlaku a mararo kapa ho feta moo.
Ha dintlha tse holang di simolla ho hlahela ka hodima mobu, palo ya dikutu tse nang le dintlha tse holang mohatong o menahang habedi e ka balwa e le ho tswela pele ho ntlafatsa tekanyetso ya palo ya dihlooho tse tla fihlella kgolo e phethahetseng.
Tsejana e ya nako e tlang e ka hlwauwa haeba pokellano ya mahlaku e ka nna ya ebolwa ka bonngwe ka ntlha e bohale ya thipa. Palo ya dipeohare tsa tsejana ka nngwe di ka lekanyetswa ka ho bala palo ya metsunyana. Ke feela tseo tse nang le metsunyana tse ka kenang palong. Tlasa maemo a tlwaelehileng a kgolo dipara tse robedi/dipara tsa metsunyana hammoho le motsunyana wa qetellong, di a bopeha. Metsunyana kaofela e ka fapana pakeng tsa 20 le 22 tsejana ka nngwe. Motsunyana ka mong o na le bokgoni ba ho etsa dipalesa tse supileng ho ya ho tse robedi, empa hangata mona Afrika Borwa ke tse pedi feela, tlasa maemo a boima, ke palesa tse tharo, tse nne kapa tse hlano tse fihlellang boemo bo phethahetseng, tse imang ho bopa dikarolwana tse ka hare. Palohare e ntle ya dipeohare tse 50 hloohwana ka nngwe kutung ya sehlooho, le tse seng kae kutung tse nyane le tse nyenyane, ka tlwaelo e ka fihlellwa. Tsejana e sa tlwaelehang ya dipeohare tse fetang 100 le yona e ka nna ya eba teng.
Ka ho sebedisa papiso kapa kamano e boletsweng ka hodimo, ho a hlaka hore palo ya dipeohare tsejana ka nngwe e ka fapana pakeng tsa dipeohare tse 200 hloohwana ka nngwe mabapi le metsunyana e mehlano ya dipeohare ho isa ho dipeohare tse 20 kapa metsunyana e 20 ya tsejana ka nngwe mabapi le motsunyana o le mong wa tsejana. Ka tlwaelo tlasa maemo a komello Afrika Borwa, palohare ya dipewana tse 40 hloohwaneng ka nngwe e ka nkuwa e le ntle.
Dikarolwana tse ka hare (kernel) tsa koro di fapana ho ya ka boholo le mothamo. Le ha ho le jwalo, haeba ho tlala ha peo e le ho tlwaelehileng boholo ka koro bo hlahisa dipeohare tsa boima ba 25 - 30 mg. Katamelo ya sebele lebatoweng lefe kapa lefe leo re ka buang ka lona ke ho bala palo ya dipeo sampoleng e matahantsweng ya peo ho fumana hore palohare ya boima/bongata ke bofe peong ka nngwe.
Mona afrika Borwa, ho teteana ha komello ditsejaneng tse boemong ba ho kotulwa sekwere mithara ka nngwe ho tla fapana ka tlwaelo pakeng tsa 100 le 200 ya ditsejana sekwere mithara ka nngwe, ho itshetlehilwe feela ka dintlha tse ngatanyana tse kenyeletsang tokiso ya mobu, paballo ya mongobo mobung, pula e fumanweng nakong ya dijothollo, ho nona ha mobu, hammoho le ho teteana ha ho jalwa sekwere mithara ka nngwe, hara tse ding.
Dipeo tse 40 tsejaneng ka nngwe x 100 ditsejana sekwere mithara x 25 mg / 1 000 = 100 gram ya kuno sekwere mithara ka nngwe. 100 gram sekwere mithara x 10 000 sekwere mithara hekthara ka nngwe / 1 000 = 1 000 kilogramo hekthara ka nngwe. 1 000 kilogramo hekthara ka nngwe / 1 000 = 1 tone ya metriki hekthara ka nngwe. Tahlehelo e tlasa 8% kotulong e tla fana ka kuno e akantsweng ya 0,94 ditone hekthara ka nngwe.
Ho ka nna ha tsejwa he hore ho teteana ha ditsejana tse 200 hekthara ka nngwe, ho ya ka dintlha tse ka hodimo, kuno ya 1,88 ditone tsa metrike hekthara ka nngwe di ka fumanwa. Mohlala o bontshitsweng wa tone e le nngwe hekthara ka nngwe ho isa ho tse pedi hekthara ka nngwe ke pontsho e totobatswang ke kuno ya mobu o ommeng ho ya ka tlwaelo.
Ke ho fihla ditoneng tse nne tsa koro hekthara ka nngwe tse hlahisitsweng dilemong tse ikgethileng, tse sa tlwaelehang, lebatoweng la Bethlehem. Masimong ana, palo ya ditsejana tse lokelang ho kotulwa sekwere mithara ka nngwe mohlomong e ne e ka ba haufi le 300 sekwere mithara ka nngwe.
<fn>PulaImvula. Hunger.2010-04-01.st.txt</fn>
Mokgatlo o motjha o theilweng, e leng Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Molemi Dijothollong (Grain Farmer Development Association kapa GFDA), tshebedisanong le Marangrang a kgokahano ya Boleng ba Dijothollo (Grain Value Chain Network kapa GVCN), ha o a tshwenyeha feela ka ho hloka katleho ha tlhahiso e batsi ya dijothollo Afrika Borwa, empa e boetse e tshwenyehile ka sekgahla se fupereng tshenyo sa boemo bona ho balemi ba batjha ba kenang temong.
Ho thehwa ha balemi bana ba batjha ke e nngwe ya merero e ka sehlohong ya Mmuso, mme ka baka lena, GFDA e batla ho tshehetsa balemi bana ba batjha ka hohlehohle. Empa ho thusa balemi bana ka masimo ntle le tshehetso le kgothaletso tse hlokahalang ke ho iphapanyetsa dinnete tseo batho bana ba shebaneng le tsona. Ditho tsa GVCN di na le boqhetseke le boiphihlelo ho tshwarahana ka matsoho le ho fana ka tshehetso, empa ke boikarabelo ba Mmuso ho thusa ka ditjhelete tse hlokahalang ho ba fa bokgoni bo hlokahalang hore bonyane ba be le monyetla wa ho tshwarella.
Hantlentle, ke taba ya bohlokwahlokwa hore maemo a indasteri yohle ya dijothollo a hlolwe botjha. Nako ha e sa le yo, mme e tla ba taba e swabisang ha Afrika Borwa e fihla boemong ba ho haellwa ke dijo. Ke nako jwale ya hore e mong le e mong a lemohe hore tlasa maemo a jwale, sekgahla sena se ntse se fetoha nnete e dulang e eketseha.
Bothata bo hokae?
Ditheko tsa tlhahiso di hokahane ka ho otloloha le ditjeo tsa matjhaba mabapi le tse kenngwang mobung, mme Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tseo ditjeo tsa yona tsa tse kenngwang mobung di phahameng ka ho fetisisa lefatsheng.
Keketseho ditjehong tsa tlhahiso e etsahala ka potlako ho feta ditheko tsa dihlahiswa, e leng se behang balemi tlasa kgatello e mpe haholo. Tlhahiso le bokgoni ke ntlha tse pedi tse ka thusang kgahlanong le qaka ena. Ka baka lena, phuputso e bohlokwa mabapi le ho ntlafatsa mekgwa ya tlhahiso. Mathata a sitisang ke hore Mmuso ha o thuse ka ditjhelete tse lekaneng hore phuputso tse tebileng di kgone ho etswa.
Ditheko tse ntseng di phahama di batla hore phaello tse ntseng di phahama hekthareng ka nngwe di fihlellwe, kapa ho nama ha tlhahiso ho atoloswe. Sena se bolela hore diyunite tsa bolemi di tshwanetse ho atoloswa hore ho be teng tjhelete e hlokolosi e tla sala ha ho ntshitswe ditshenyehelo. Ka lehlakoreng le leng, balemi ba batjha ba ka fihlella phaello e hlokahalang ka bohlwahlwa bo boholwanyane le ka theknoloji ya moraorao tjena. Sepheo e sala e le hape ho kena ka setotswana ikonoming e batsi. Balemi ba batjha mona ba na le lesisitheho mabapi le phapanyetsano ya bokgoni le tshehetso ya nako tsohle, e leng ponelopele ya GFADA. Sena ke tshitiso e kgolo baleming ba batjha ba temo. Bolemi ke indasteri e kotsi e ipiletsang mehatong e meholo nakong ya dilemo tse mpe.
Lehlakoreng la tjhelete e kenang, ditheko di boetse di hokahane le ditshekamelo tsa matjhaba, mme di kotsing ka baka la sekgahla sa phapanyetsano. Hona ke ntho eo balemi ba sitwang ho etsa letho ka yona, mme e tshwaetsa ditumellano kgwebong ka mokgwa o matla haholo. Ditheko di dula di fetoha pakeng tsa tekano pakeng tsa tse romellwang ka ntle le tse romellwang di etswa ka ntle, mme hajwale di haufiufi le tekano ya tse romellwang ka ntle, e leng se sitisang phaello.
Ditheko tsa dijothollo di laolwa ke mekgwa ya mmaraka o lokolohileng, e eketsang bohlokwa ba tlhoko le phepelo. Tlhahiso ya Afrika Borwa e feta ditlhoko tsa mmaraka wa selehae, mme sena ha se bolele hore menyetla ya ho romella ka ntle e na le molemo o mokaalo. Phepelo ya lefatshe hajwale e phahame haholo, e leng se qobellang ditheko ho theoha. Maano a mmuso wa selehae a sitisa ntshetsopele ya mebaraka e metjha (bio fuels), e leng se sitisang keketseho ya boleng.
Bahlahisi ba Afrika Borwa ba fumana tshehetso e nyane kapa e siyo Mmusong, e leng se ba sitisang ho hlodisana le dinaha tse romellang thepa ka ntle, tseo ka tlwaelo di fang Mmuso tshehetso ya ho thusa balemi ba tsona. Ka baka lena, Mmuso wa Afrika Borwa o ka hlahloba botjha taolo tsa makgetho a lefuwang ka sepheo sa ho tiisa hore molemi o fumana tshehetso e ntle, mme moreki le yena o kgona ho reka.
<fn>PulaImvula. Hybrid(maize).st.txt</fn>
Figure 1: Palohare ya kuno ya dijothollo e fumanweng dihleng tsa 2008 le 2009.
Photo: Poone ya phapanyetsano ya pholene.
Balemi ba fana ka mabaka a mangata hobaneng ba sa rate ho tsetela peong ya mabasetere, e leng a kang ditjeo tse phahameng tsa peo, bosiyo ba tjhelete nakong ya ho jala, ho se fumanehe ha peo ya mabasetere, tlhoko ya ho reka manyolo, kuno e nyane kapa ho se fetohe ha letho ha kuno, bosiyo ba ho ikamahanya le maemo, bofokodi ba poloko e ntle setorong, le boleng bo fokolang ba tshebetso mabapi le mabasetere a rekwang.
Dipuo tsa mofuta ona di tsositse dipotso di hana ho fela, tsa hore na mabasetere a na le molemo ofe papisong le mefuta e bulehetseng pholene (OPV) baleming ba haellwang ke mehlodi, moo mefuta e sa tshepahaleng ya peo, moo tse kenngwang mobung di haellang, mme ho nyopa ha dijothollo e leng ntho e tlwaelehileng. Potso ya bohlokwa ke ya hore ke mofuta ofe hara e meng: lebasetere kapa OPV ke peo e tshwarellang hore molemi a be le paballeho kapa tshireletso le tshehetso e tiileng mabapi le tjhelete ya hae e kenang.
Peo ke ntlha ya bohlokwa hara tse kenngwang mobung hore tlhahiso e be teng. Mekgwa yohle ya temo e reretswe ho sebedisa bokgoni bohle ba tlhaho ba peo e jalwang. Ha ho mokgwa wa temo (mohlala, ho phethola mobu, ho hlaola mahola, manyolo, taolo ya dikokwanyana le malwetse) o ka eketsang kuno ya dijothollo ntle le boleng ba peo ka boyona. Ka baka lena, peo ke yona motheo wa katleho kapa ho nyopa ha dijothollo tse jalwang.
Ho fihlella kuno e phahameng, motho o tshwanetse ho jala peo ya boleng bo phahameng. Hore o fihlelle bonnete tabeng ena, o tshwanetse ho reka le ho jala peo e tiisitsweng (e nang le bopaki), ho sa tsotellehe hore ke ya lebasetere kapa ya OPV. Peo e tiisitsweng ke eo bonyane e hlwekileng ka 98%, e nang le peresente ya ho mela ya bonyane 90%. Le hoja ditjeo tsa peo e tiisitsweng di phahame, empa matshediso ke hore peo e jwalo e fupere bokgoni ba kuno e phahameng.
Balemi ba banyane le ba itlhahisetsang tse lekaneng malapa a bona feela, e leng ba nang le mathata a ditjhelete, hangata ba jala poone e setseng kotulong ya selemo se ka pele. Ha ba etsa tjena ka peo e bolokilweng ya poone (mabasetere), hangata ba ba le kuno e fokotsehileng (ho fihela ho 50%) papisong le poone e jetsweng e etswa peong e foreshe. Le ha ho le jwalo, ho jalwa ha dijothollo tse tswang peong e bolokilweng e etswa mefuteng e bulehetseng pholene (OPV) ha ho na tahlehelo kunong.
Lebasetere ke eng?
Lebasetere ke sehlahiswa sa pele se bang teng pakeng tsa batswadi ba babedi ba sa amaneng, moo motswadi e mong e leng e motshehadi, ha e mong yena e le e motona. Ho inkela pholene ke tshebetso eo ka yona pholene e tlohang semeleng se le seng, mme e sebediswa silikeng ya sona semela seo. Ha poone e inkela pholene ena, meloko e tla hlaha moo e tla nne e be e fokolang. Hona ho tsejwa e le ho tswalwa ha ka hare, mme ka mora meloko e latelang, sena se tla kgannela dimeleng tse fokolang, tseo re ka di bitsang dimela tsa meloko e holofetseng. Dimela tsena di nyane ka sebopeho, diqo tsa tsona di nyane, mme le kuno ya tsona ke e fokotsehileng. Le ha ho le jwalo, ha dimela tse pedi di fapanetsana, matla a boela a kgutla peong e tla ba teng, mme kuno ya dimela tse tla ba teng peong e jwalo e eketseha haholo. Hona ho tsejwa e le matla a lebasetere. Hona ho ba teng ka baka la ho tswakana ha dijene (genes), (matshwao a tswalo) tse tswang melokong e mmedi e fapaneng.
Lebasetere le ikgethileng le ka kgethelwa thibelo e ikgethileng ya dikokwanyana le bolwetse kapa komello e itseng.
Mabasetere ka kakaretso a na le kuno e phahameng ho feta mefuta e bulehetseng pholene.
Mabasetere a a tshwana ka mmala, a fihlelletse boholo bo hlokehang, mme a na le matshwao a mang a thusang molemi ho ntshetsa pele mesebetsi e itseng (mohlala, manyolo, ho fafatsa le ho kotuleng) ka nako e le nngwe.
Ho lekana ha dijothollo ho boetse ho na le melemo mabapi le mmaraka ho bareki ka maemo a boleng bo botle.
Mabasetere a fana ka kuno ya palohare ya 18% ho feta OPV.
Theko ya peo e phahame.
Molemi o tshwanetse ho fumana kuno e fetang ditone tse pedi hekthareng ka nngwe hore ditjeo tse phahameng tsa peo e se be taba ya lefeela.
Peo e ntjha e tshwanetse ho rekwa sehleng se seng le se seng ha ho jalwa.
Dijothollo tse fumanwang peong ya mabasetere di ka nna tsa se ke tsa sebediswa hape dihleng tse hlahlamang.
Molemi a ka nna a ba le bothata ba ho se fumane peo ka nako.
Mabasetere a batla a tshaba maemo a kgatello (mohlala, ho etsa bolepo).
Tlasa maemo a tsamaiso ya dijothollo le maemo a boima a tikoloho, melemo ya mabasetere papisong le mefuta ya OPV e a fokotseha.
Mefuta e bulehetseng pholene (OPV) ke efe?
Mefuta ya OPV ke eo peo ya ona e hlahiswang feela ka mokgwa wa phapanyetsano ya pholene (ka mantswe a mang ha ho taolo ya pholene). Tsamaiso ya pholene dimeleng tse masimong ha e laolwe, e leng se bolelang hore dijothollo di ke ke tsa lekana kapa tsa tshwana, mohlala, dijothollo di tla fapana ka bophahamo, mmala wa silika o tla fapana, bolepo e ke ke ya ba ba boholo bo lekanang, mme sebopeho sa dimela se tla fihlella kgolo ka dinako tse fapanang.
Ditjeo tse tlase kapa tse siyo tsa peo. Molemi a ka nna a boloka karolo ya dijothollo e le peo ya hae.
Ditjeo tsa peo di tlase haholo ho feta tsa peo ya mabasetere.
Tjhelete e ngata e ka sebedisetswa ho reka manyolo kapa dibolayakokwanyana.
Peo e ka nna ya saekelwa hape. Ke hore dijothollo tsa sehla sena di ka etswa peo ya sehla se hlahlamang.
Dibaka tsa bokgoni bo tlase ha di na lebaka la ho ka sebedisa ditjeo tsa phahameng tsa peo ya mabasetere.
Mefuta ya OPV e na le matshwao a batsi a tlhaho, mme e fapana haholwanyane ka dinako tsa ho etsa dipalesa. Hona ho etsa hore nako ya dipalesa e be teletsana, e leng ho tla etsa hore OPV e fumane pholene nakong tse kgutshwanyane tsa kgatello e phahameng (mohlala, kgatello ya mongobo, ya motjheso, jj.). Ho fapafapana hona ho fana ka kuno e batlang e tsitsitse ho feta ha mabasetere a etsang dipalesa, e leng ho batlang ho alehile ka ho lekana.
Ho bohlokwa ho reka peo e tiisitsweng dilemong tse ding le tse ding tse tharo hore matshwao a tlhaho a peo a dule a ntse a hlwekile.
Bokgoni ba kuno bo tlase ka 10 - 25%.
Dibakeng tsa kuno e phahameng, OPV e fokotsa phaello.
Di ke ke tsa ba mmala o le mong, tsa fihlella kgolo e lekanang, hammoho le matshwao a mang a semela.
Di ka ba le sekgahla thekong ya dijothollo, mohlala, boleng.
Ho se tshwane ho ka baka mathata ha ho etswa mesebetsi e itseng, e kang ho fafatsa le ho kotula (haholoholo ha ho sebediswa motjhine o kotulang).
Hore OPV e dule e hlwekile, e tshwanetse ho jalwa bonyane 300 m hole le mefuta e meng.
Boleng bo fokolang ba peo (peo e boloketsweng ho jalwa sehleng se hlahlamang hangata e bolokwa maemong a seng matle, mme e pepesehile themphereitjhareng tse phahameng haholo, dikokwanyaneng le malwetseng) e ka nna ya baka ho mela ho fokolang le dimela tse fokolang tse ka sitwang ho tiisetsa kgahlanong le mahola.
Ka tlwaelo, mefuta ya OPV ka tlhaho ha e a bopuwa ka mokgwa oo e bontshang matla a ho ba kgahlanong le dikokwanyana kapa dibolayalehola.
Qalong, jala mofuta wa OPV o kgothalletswang lebatowa la hao.
Hlokomela masimo a hao hantle, mme o sebedise mokgwa wa temo wa paballo, manyolo, kapa bobedi. Laola mahola le dikokwanyana.
Jala dijothollo bonyane 100 m hole le masimo a mang a poone, kapa jala poone ya hao dibeke tse tharo e sa le pele kapa morao ho dijothollo tse haufi, e le hore bolepo bo be teng ka nako tse fapaneng. Ka mokgwa ona, o tla thibela kgahlamelo e sa hlokahaleng ya pholene.
O tshwanetse ho kotula ho tloha mahareng a masimo ho fokotsa kgahlamelo ya pholene.
Pele bolepo bo eba teng, hlahloba masimo a hao, mme o tlose dimela dife kapa dife tse bonahalang di fapane haholo le tse ding (ke hore, tse telele haholo kapa tse kgutshwanyane haholo kapa tse nang le bolwetse).
Nakong ya kotulo, kgetha diqo tse ntle ka ho fetisisa dimeleng tse tadimehang di le ntle ka ho fetisisa. Kgetha diqo tse tshwanang, tse se nang bolwetse, mme di ena le boleng bo lakatsehang ba dijothollo.
Kotula bonyane diqo tse 300.
Diqo di tshwanetse ho phuthelwha, di omiswe le ho bolokwa tlasa maemo a nepahetseng (tulong e ommeng le e lefifi, e tshireleditsweng).
Nnetefatsa hore peo e omme (bophelo ba peo bo menahana habedi mabapi le 1% e nngwe le e nngwe e tlasa 13% ya mothamo wa mongobo). Ho bona hore na peo e na le bonyane mothamo wa 13% wa mongobo, nka dipeo tse 100, o di tswake le 1 g ya letswai, mme o di tlohele ka hara botlolo e kwetsweng. Haeba ka mora metsotso e 5 letswai le bonahala le ena le mogobo, eba he seqo se hloka ho omiswa hape.
Peo e tshwarella nako e telele maemong a batang (eseng a kgwamo). Bophelo ba peo bo menahana habedi ha themphereitjhara ya setoro e le tlasa 5ÂºC.
Sesedi, kwaekgwaba le dibaktheria di kgutsufatsa bophelo ba peo. Ho fokotsa sena, hlokomela hore peo e dula e omme.
Boloka peo ka hara ditshelo tse ommeng, tse hlwekileng, tseo moya o ke keng wa kena ka hara tsona, mme o di leibole (selemong se tlang o tla be o lebetse hore ke eng ka moo).
Molora o monya mongobo ka hara setshelo, mme o thibela ho hola le ho ata ha sesedi. Tshela 0,5 kg ya molora kilogramong e le nngwe ya peo.
E ka sebediswa jwalo ka molora o ommeng. Tswaka dikgaba tse nyane tse 15 (50 g) le kilograma e nngwe le e nngwe ya peo.
Tswaka ole e phehang le peo ya hao ho thibela keketseho ya sesedi. Sebedisa kgaba e nyane e le nngwe ya ole kilogramong e le nngwe ya peo.
Sesedi se tshaba dimela tse nkgang ha bohloko. Sebedisa chilli (tswaka dikgaba tse nyane tse hlano tsa phofo ya chilli le kilograma e le nngwe ya peo).
Omisa le ho sila mahlaku le ho tswaka dikgaba tse hlano tse nyane le kilgrama e le nngwe ya peo.
Bokgoni ba ho iphumanela tsa tlhaho.
Molemo o tswang peong e sebeditsweng le taolong ya boleng.
Ha feela e rekwa e le peo e tiisitsweng.
Boteng ba morekisi ya tshepahalang wa peo ya ka thusang katamelong ya tse ntjha tsa tlhaho.
Ho ka etsahala.
E sa le potso.
Tokoloho ya setjhaba sa temo.
Peo e ntle ya lebasetere e ka ba le tshebetso e ntle ho feta OPV e fokolang ka ho fetang 70%. Le ha ho le jwalo, OPV e ntle e ka nna ya sebetsa ka ho lekana le lebasetere kapa ya sebetsa le ho feta. Sekgahla sa ho jala peo ya moloko wa bobedi (e kotutsweng) se senyane haholo peong ya OPV, empa se sebe haholo lebasetereng (ho fihla tahlehelong ya 50%). Mabasetere a boemo bo hodimo a hlahisa 18% ya dipeo tse ngata ho feta OPV ya boemo bo phahameng. OPV e boelang e sebediswa hape e hlahisa ka 5% peo e nyane ho feta OPV e foreshe.
Ha ho rekwa peo e tiisitsweng, ditjeo tsa peo di tla phahama haholwanyane ho feta ha ho rekwa peo e foreshe ya OPV kapa e boelang e sebediswa hape.
Lebasetere le boelang le phetwa hape.
Ho reka peo ya lebasetere selemo le selemo ho bonahala e le kgetho e ntle haholo, hang ha boemo ba tsamaiso e le ditone tse pedi hekthara ka nngwe kapa ho feta mona. Ha maemo a tsamaiso a phahama, ho sebediswa hape ha peo ho ntse ho haellwa ke molemo. Molemo ke o monyane haholo ho molemi haeba ho tloha peong ya OPV le ho fetohela ho ya lebasetere ho etswa ntle le tshebediso ya manyolo, mme hape ho se phetoho ya letho tsamaisong. Haeba molemi a a reka peo ya lebasetere ka theko e phahameng, mohato wa hae wa tsamaiso le ona o tshwanetse ho eketseha ka mokgwa oo.
Balemi ba poone ba ka bokeletsa boleng ba poone ya bona e le e ka rekiswang. Le ha ho le jwalo, re a tseba hore tshireletso ya tsa lelapa, ho qoba dikotsi, tseo motho a ikgethelang tsona, le tlwaelo ya nako e fetileng, din a le seabo se matla diqetong tsa molemi mabapi le tseo a di jalang hammoho le mekgwa ya tsamaiso dijothollong. Ka mokgwa o jwalo, tshireletso ya peo ya lelapa ke taba ya bohlokwa e lokelang ho shejwa mabapi le ho saekelwa ha dijothollo e le peo, haholoholo dibakeng tse hole tse hlokang barekisi ba dipeo. Mebaraka ya dijothollo moo ho lebelletsweng ditheko tse kgotsofatsang, ke ntlha ya bohlokwa ya balemi ba hlokang, ha ho etswa qeto hore ke peo efe e ka rekwang. Ho teng dintlha tse ngata tsa tlwaelo setjhabeng le tsa meetlo tse amang peo ya lebasetere kgahlanong le ya OPV.
Peo ya OPV e ka nna ya ba kgetho e ntle baleming ba poone tlasa maemo a mang a itseng, empa tshebediso ya OPV kapa peo e boelang e phetwa hape ke kgutlelomorao kunong ya dijothollo. Ka kakaretso, lebasetere le tla hlahisa dijothollo tse nagata ka 18% ho feta boholo bo botle ba OPV.
Katamelo melemong ya phuputso tswelopeleng ya tsa tlhaho mefuteng e metjha.
Katamelo melemong ya tshebediso ya peo le boleng ba yona.
Boteng ba morekisi wa sebele wa peo.
Maqheka a bophelo a ditjhabana tse hlokang mehlodi.
Tlhophollo ya ikonomi phaellong ya matsete (kuno).
Ho tshepahala ha kuno.
Ho mamella komello.
Ho mamella malwetse.
Ho mamella dikokwanyana (BT).
Bolelele ba sehla.
Nako ya ho fihlella kgolo e phethahetseng.
Sekgahla sa ho oma.
Ho mamella esiti.
Ho ba kgahlanong le dikhemikhale (poone e seng e lokile ya round-up).
<fn>PulaImvula. ImprovementsMaize.2009-05.st.txt</fn>
Mobu o tsotseng o hloka molemo ha o bapiswa le o ntsheditsweng pele. Ke ka baka leo ho leng bohlokwa ho boloka meaho, tshireletso e potapotileng matlo hammoho le mebila hore di be maemong a lokileng le a hlokomelwang.
Meaho mobung e tlamehile ho dula e le boemong bo botle e le hore e kgone ho sebedisetswa - ho boloka, ho sebetsana le dijothollo kapa ho kuta dinku. Keletso ke ho boloka diterekere tsa hao le disebediswa tlasa marulelo, ka ha di senyeha haholo ha di le ka ntle.
"Tshireletso e potapotileng matlo e bopa kahisano e ntle". Ka hoo, o tlamehile ho kgona ho boloka mehlape ya hao dibakeng tse reretsweng hona. Ha o jala dijothollo, ho bohlokwa hore dijothollo di tshireletswe mehlapeng. Mokgweng o nepahetseng wa ho fudisa, dikampo tse itseng di fulwa ka nako tse itseng tsa selemo - hona ho tshireletsa jwang le ho fa jwang bo latswehang nako ya ho hola.
Methakala hammoho le ditselana tsa metsi di hlokolosi thibelong ya kgoholeho ya mobu - kgoholeho e baka tshenyo ya nako tsohle, mme ke boikarabelo ba moahi e mong le e mong ho tshireletsa mobu hore meloko e tlang le yona e kgone ho sebedisa mobu ho iphedisa.
Mebila e bohlokwa ka ho fetisisa kgwebong - dihlahiswa tse kang manyolo di tshwanetse ho tliswa masimong, hape dihlahiswa tsa rona di tshwanetse ho tloha masimong le ho iswa mebarakeng. Tlhokomelo ya mebila e hlokolosi temong ya kgwebo.
<fn>PulaImvula. InputMaize.2009-04.st.txt</fn>
Inshorense ya tsa masimong - na o tshwanetse ho tshireletsa dijothollo tsa hao ka inshorense?
Ka ha temo e etswa ka ntle, dikotsi di ngata, mme maemong a mang, ditshenyehelo tsa ho jala sejothollo se feta boleng ba masimo ao sejothollo se jalwang ho ona. Hangata, bareki ba tshwanela ho adima tjhelete mekgatlong e adimanang ka ditjhelete kaoa ba agribusiness e le ho tshehetsa sejothollo ka tjhelete. Ho adima kapa ho adingwa tjhelete ke kotsi e kgolo, ka ha ba nehelanang ka tjhelete ha ba batle ho lahlehelwa ke yona. Hangata, ya adingwang tjhelete o lebelletswe hore a be le lethonyana leo a etsang tshireletso e itseng ka lona - ka mantswe a mang, ya adimanang ka tjhelete o tla boellwa ke tjhelete ya hae jwang ha eba dijothollo di putlama ekaba ka lebaka lefe?
Ha eba o le monga mobu oo o lemang ho ona, ba adimanang ka tjhelete hangata ba lebelletse hore wena o ba dumelle ho ngodisa bonto (kadimo) kgahlanong le thaetlele deed ya leruo (thepa) leo. Sena se bolela hore ha eba o hloleha ho lefa molato wa hao, ba tla rekisa thepa ya hao, ebe ba nka tjhelete ya bona, eo o ba kolotang yona. Maemong a balemi ba ntseng ba thuthuha, sena ke qaka e kgolo - e ne e tla ba mahlomola a makaakang ha eba motho o lahlehelwa ke masimo a hae ka lebaka feela la dijothollo tse sa kang tsa eba ntle! Balemi ba bangata ba teng bao e seng beng ba masimo ao ba a lemang - a mang ke a hirilweng, bongata ba ona ke a setjhaba (masimo ana ke a Mmuso, mme a hlokometswe le ho tsamaiswa ke Mmuso wa setso). O sitwa ho tlamella mobu wa setjhaba bontong (bond) hobane wena jwalo ka mohlahisi, ha o na thaetlele deed ya mobu ono. Nakong e fetileng, balemi ba neng ba sebetsa mobung wa setjhaba ba ne ba sitwa ho fumana kadimo ya tjhelete ka ha ba ne ba se na tshireletso ya letho eo ba neng ba ka beheletsa ka yona. Mona he ke moo ho kenang inshorense ya tse sebediswang masimong - o ka kenya dijothollo tsa hao tlasa inshorense (inshora) hore ha ho ka etsahala 'thato ya Modimo', khamphani ya inshorense e tsebe ho lefella molato o kolotwang.
Ka baka la ditjeho tse ntseng di phahama tlhahisong ya tsa temo le tshireletso e ntseng e fokotseha ya balemi, tlhoko mabapi le inshorense ya tse kenngwang mobung Afrika Borwa e phahame haholo. Sehlahiswa hantlentle re ka re se theilwe kunong ya palohare, e seng e ile ya hlahiswa, ya nako e telele ya molemi yuniteng ya bohwai bohle ba hae e leng moo ho tiisitsweng peresente e itseng ya yona.
Moo thepa e leng teng.
GPS mmapa tse methilweng tsa mapolasi, tse bontshang masimo kaofela a batho ba fapaneng, dinomoro tsa masimo le dibaka tse fapaneng.
Ditumellano tsa kgirisetsano masimong - na ke masimo a motho ka boyena, masimo a hirilweng, a kopanetsweng ke setjhaba, jwalojwalo?
Ke mang ya tla thusa molemi ka ditjhelete?
Kuno tse fihlelletsweng bonyane dihleng tse hlano tse fetileng.
Tlhophollo ya mobu o sa feteng dilemo tse pedi, mme hape o supang kamano ya naha le polasi.
Dintlha tsohle tsa mekgwa e sebediswang temong - mesebetsi ya ho phetholwa ha pele ha mobu le ha bobedi, dijothollo tse tshwanetseng ho jalwa, mefuta ya peo, manyolo, mekgwa ya taolo ya mahola le dikokwanyana, jj.
Dintlha kaofela mabapi le rakonteraka ya tla etsa mosebetsi.
Matsatsi a ho jala le ho hlaha ha peo - matsatsi a itseng a ikgethileng a dumelletswe, mme dijothollo tse jetsweng ka ntle ho matsatsi ana ha di na tshireletso ya inshorense.
Masimo a tla tshireletswa jwang kgahlanong le boshodu?
Masimo a tla tshireletswa jwang kgahlanong le tshenyo e bakwang ke mehlape?
Leano la ditjeho tsa tse kenngwang mobung mabapi le mabatowa a pula tsa hlabula le hokahane le leano la sefako moo ho inshorilweng kuno eo bonyane e lekanang le kapa e fetang kuno ya nako e telele ya palohare e hlahisistweng ke molemi polasing e amehang. Molemi o etsa qeto hore ke peresente e kae ya tshenyo eo a batlang ho e jara mabapi le kotsi ya sefako. Sena se laolwa ke kgetho ya hae ya peheletso (excess).
Leano la ditjeho tsa tse kenngwang mobung mabapi le mabatowa a pula tsa mariha le ikemetse le inotshi, mme ha le a hokahana le leano la sefako. Sefako ke e nngwe ya dikotsi tsa tse kenngwang mobung tse inshorwang, mme ka baka lena, se kgema mmoho le dikotsi tse ding tsa tse kenngwang mobung.
Dikotsi tse tshireletswang mabapi le tse kennwang mobung di kenyeletsa tse latelang: sefako, mollo, tsamaiso ya thepa, serame, komello, pula e fetang tekano, kgoholeho ya metsi, lehlwa, moya, difefo, hammoho le tahlehelo efe kapa efe ka baka la maemo a mabe a lehodimo, malwetse a sa laoleheng a dimela, dikokwanyana le diphoofolo tse hlaha.
Ho lema ha balemi ho tla behwa leihlo ka nako tsohle ho nnetefatsa hore mekgwa e hlwahlwa ya bohwebi e a latelwa.
Dibolayalehola tse sa sebedisweng mehatong e hlokolosi.
Dikotsi tse tshireletswang tlasa ho nosetswa di kenyeletsa tse latelang: sefako, mollo, tsamaiso ya thepa, serame, komello, pula e fetang tekano, kgoholeho ya metsi, lehlwa, moya, difefo, hammoho le tahlehelo efe kapa efe ka baka la maemo a mabe a lehodimo, malwetse a sa laoleheng a dimela, dikokwanyana le diphoofolo tse hlaha. Komello yona ha e tlasa tshireletso, ho sa tsotellwe hore e bakwa ke eng.
Inshorense ya tse kenngwang mobung e kgema mmoho le ditjeho tse phahameng, mme ha theko ya tse kenngwang mobung e phahame, mme theko ya sehlahiswa e batla e le tlase (jwalo ka ha ho etsahala ka dijothollo tse ngata mohatong ona), ho nka mofuta ona wa inshorense ho hlokahala haholo, empa sena se ka nna sa bolela hore ha tsohle di builwe le ho etswa, ha ho sale tjhelete e ngata e fumanwang ke molemi ka mora kotulo. E ka nna yaba o adimile tjhelete, mme wa kgona ho e lefa, empa potso ke hore ke phaello e kae eo o tla beng o e entse Na wena jwalo ka molemi o na le kgetho E seng hakaalokaalo - o tla tlameha ho etsa peheletso ka thepa ya hao, kapa o tla tshwanela ho nka ishorense e tshireletsang kadimo eo o e entseng. Kapa, o ke ke wa fumana kadimo ya tjhelete e tla o thusa ho etsa tlhahiso?
Sena ha se bolele hore ditaba di se di le mpe hakaalo, hobane ha o etsa tsohle ka nepo, jwalo ka ha ho lebelletswe ke khamphani ya inshorense, o tla be o le sehwai se sebetsang hantle, se sebedisang mekgwa ya sejwalejwale ya tlhahiso, mme menyetla ya hao ya ho hlahisa dijothollo tsa sebele o tla be o ntlafetse haholo.
<fn>PulaImvula. Inputs.2008-07.st.txt</fn>
Bahlahisi ba dijothollo le oli ke ba laolelwang theko. Ka mantswe a mang, bahlahisi ba sitwa ho nyolla feela ditheko tsa dihlahiswa tsa bona. Ka baka lena, keketseho e ntseng e tswela pele ditjehong tsa tse sebediswang mobung e baka tsitsipano phaellong ya tlhahiso ya dipeo tsa dijothollo le oli.
Ho bohlokwa ka ho fetisisa hore bahlahisi mmoho le bareki ba dule ba tseba ka keketseho thekong ya tse sebediswang masimong.
Pakeng tsa Motsheanong 2007 le Motsheanong 2008, theko ya manyolo e nyolohile ho tshosang. Lebaka le matlamatla la keketseho ena ke tlhoko e eketsehileng ya lefatshe mabapi le manyolo ha mehato ya tlhahiso ya manyolo yona e dutse e sa fetoha. Kgolo tlhokong ya dinaha tse kang China le India ke lebaka la sehlooho. China e bile e kentse lekgetho thomellong ya manyolo ka ntle, e leng se mpefaditseng maemo le ho feta.
Theibole ya 1: Keketseho ya theko ya matjhaba dihlahisweng.
Kerafo ya 1: Ditheko tsa manyolo matjhabeng.
Ditheko tsa manyolo a lehae di phahame hoo di fihlelletseng mehato ya rekoto ha esale ho tloha ka Motsheanong 2007. Keketseho tsa ditheko di bontshwa tlase mona Theiboleng ya 2.
Theibole 2: Palohare ya ditheko tsa selehae tsa manyolo.
Manyolo a etsa ho kang 25% ha ditjeho tsa dipeo tsa dijothollo le oli, mme keketseho tsena di baka bosula ho ba Grain SA. Keketseho tsena di beha kgatello e kgolo phaellong ya tlhahiso ya dipeo tsa dijothollo leoli.
Ditheko tsa matjhaba tsa dikhemikhale tsa temo di eketsehile ka sekgahla se seholo kgweding tse 12 tse sa tswa feta. Tlhoko ya dikhemikhale tse itseng e eketsehile ka potlako ho feta tlhahiso e eketsehileng ya dikhemikhale tsena. Makgetho a tse romellwang ka ntle a behilweng ke China, hammoho le theko e phahameng ya oli e tala, di baka sekgahla se seholo dithekong. 99% ya metswako ya dikhemikhale tsa temo Afrika Borwa ke tse kenang, mme boleng bo fokolang ba ranta kgahlanong le ditjhelete tsa mafatshe a mang, le tsona di bile le sekgahla dithekong.
Dihlahiswa tse itshetlehileng haholo ka Glyphosate di eketsehile ka 150% ho isa ho 240% nakong ya kgwedi tse 12 tse fetileng. Ho ya ka palohare, ditjeho tsa dikhemikhale tsena di eketsehile ka ho kang 45%.
Theko e etsang palohare ya theko ya oli e tala ya Brent e eketsehile ka 63,2% ha esale ho tloha ka Mmesa 2007. Ho tlatselletsa mona, boleng ba ranta kgahlanong le Dolara ho fokotsehile ka 9,6%.
Ditjeho tsa selehae tsa diesel e rekwang ka bongata di eketsehile ka 63% ho tloha ho R6,21 lithara ka nngwe kgweding ya Motsheanong 2007 ho ya ho R10,10 lithara ka nngwe kgweding ya Motsheanong 2008 (Kerafo ya 2). Ditheko di phahama kgwedi le kgwedi - Sena hammoho le keketseho tse ding tse seng di boletswe, se beha phaello ka mosing haholo.
Boholo ba metjhine ya temo e sebediswang Afrika Borwa ke bo romellwang ho tswa ka ntle - sekgahla sa ranta e fokolang se na le tshwaetso ya bohlokwa mona dithekong tse dulang di phahama tsa disebediswa le diterekere.
Theibole ya 3: Phetoho ka diperesente thekong ya metjhine ya temo ho ya ka selemo le selemo.
Ke mang ya jarang boikarabelo dithekong tse phahameng tsa dijo Na ruri ke bahlahisi ba dipeo tsa dijothollo le oli?
Sekgahleng sena seo ditjeho tsa jwale tsa tse sebediswang temong di phahamang ka sona, ho ilo ba boima hore bahlahisi ba dipeo tsa dijothollo le oli ba hlahise dijothollo tse lokelang, ha e se ha ditheko tsa dipeo tsa dijothollo le oli di ka eketseha ka sekgahla se le seng. Ho ya ka ditjeho tsa jwale tsa tse sebediswang temong le ditheko tse shebelwang pele tsa dijothollo le oli, bahlahisi ba tla tlameha ho etsa ditekanyetso ka hloko e kgolo. Bahlahisi ba tlamehile ho nnetefatsa hore ba lefa theko e nepahetseng mabapi le disebediswa tsa bona - etela dibaka tsa thekiso pele o reka, o se ke wa bo so itahlela feela o sa sheba mmaraka. Ikopanye le ba Grain SA mabapi le ditheko tsa moraorao tse ka sebediswang e le boitshetleho ba hao.
O tla tshwanela ho dula fatshe le ho ja masapo a hloho mabapi le hore o batla ho jala eng - o tlamehileho etsa phaello, ho seng jwalo, o ke ke wa o besa wa tuka jwalo ka molemi. Hopola hore ditheko tsa tse sebediswang temong di ka nna tsa phahama le ho feta le pele ho sehla se hlahlamang sa ho jala.
<fn>PulaImvula. IrrigationMaize.2009-09.st.txt</fn>
Nosetso - e fupere dife?
Lefatshe le tobane le kgaello e kgolo ya metsi ka ha palo ya batho e dula e ntse e eketseha le hoja bongata ba metsi a leng teng lefatsheng bo sehetswe meedi. Mmapa ona o bontsha phumaneho ya metsi dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe.
Batho ba bangata ba teng lefatsheng ba hlokang menyetla ya dijo le metsi a foreshe ao ba ka a nwang.
Ho hlahisa dijothollo metsing a bolokilweng dibakeng tsa pula e fokolang kapa tsa pula e sa tshepahaleng.
Ho sebedisa metsi a bolokilweng a tswang dibakeng tse hole.
Ho fokotsa kotsi ya ho nyopa ha dijothollo le ho eketsa paballo ya dijo tsa naha.
Ho eketsa tlhahiso hekthareng ka nngwe.
Ho hlahisa dijothollo nakong ya dihla tsa metsi le tsa komello.
Ho hlahisa dijothollo tse fetang se le seng ka selemo.
Ho sebedisa matsete a tjhelete ka mokgwa o hlwahlwa.
Ho fepela mmaraka o dulang o eketseha ho ya ho ile.
Ho hlahisa dijothollo tsa boleng bo bottle.
Ho tshetsa pele le ho tlisa bitsitso dibakeng tsa mahaeng.
Ho hlahisa dijothollo tse ikgethileng dibakeng tse ommeng (dibaka tsena di na le monyetla wa pula e nosetsang dijothollo dinakong tse nepahetseng).
Dibaka tse nammeng tsa Afrika Borwa di shebane le maemo a tjhesang le a ommeng a tlelaemete, sekgahla se phahameng sa mongobo o lahlehang, mme di batla di shebane le pula e batlang e le tlase, e nang mona le mane ka tshohanyetso, e leng moo tlhahiso e ntle ya dijothollo e sa kgonahaleng ntle le tlatsetso ya metsi. Tlhahiso ya dijothollo ntle le thuso ya metsi a tliswang ka diforo e bitswa ya phepelo ya pula, kapa tlhahiso ya dijothollo mobung o ommeng.
Tlelaemete eo ka kakaretso e tjhesang, mme e nang le letsatsi, le ha ho le jwalo e molemo mabapi le ho hola ha dimela, mme ho a kgonahala ho lema mefuta e mengata e fapaneng ya dijothollo tlasa nosetso (ka diforo) dibakeng tseo ho nang le mebu e lokileng hammoho le metsi a lekaneng. E ka ba ho ka etsang diperesente tse 44 tsa mobu o nosetswang, o ileng wa ntshetswa pele ke batho ba poraevete, diperesente tse 26 dikemeng tsa mobu wa mmuso ho kenyelleditswe dikema tsa mohlahisi ya thuthuhang le diperesente tse 30 dikemeng tsa nosetso e kgolo.
<fn>PulaImvula. Jane.2011-03-14.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Jwalo ka molemi (monga lelapa) o na le eng Na o na le masimo, mebaraka, diterekere kapa disebediswa tsa ho lema Lenaneong la rona la Ntshtsopele ya Molemi, tabakgolo ke O na le eng, le hore re ka o thusa jwang ho una molemo ka seo o nang le sona?
Haeba o na le masimo, o ntse o a sebedisa jwang hajwale Na a ke ke a sebediswa betere ho feta, le hore o thibelwa ke eng ho etsa jwalo Re dumela hore e mong le e mong a ka thuswa ho hlahisa dijothollo tse ntle ka ho sebedisa mehlodi eo a nang le yona?
Hore o be molemi wa mohwebi ho bolela ho hlahisa haholo ho feta se hlokwang ke wena le lelapa la hao. Ha o rekisa tseo o di hlahisang, o kenya letsoho tshirelletsong ya dijo, mme o lokelwa ke tshehetso. Re le Grain SA re ikemiseditse ho tsetela ho wena.
Sehla sena sa lehlabula se bile le diphephetso tse kgolo. Tabeng ya pele, ditheko tsa tlase tsa dijothollo di sitisitse ho fumana kadimo ya tjhelete mabapi le tlhahiso. Le hoja malebaleba ohle a entswe, Lefapha la Naha la Temo le hlolehile ho thusa balemi ba rona. Ho ba ileng ba kgona ho jala, sehla se simollotse ka komello, mme maemo a ho jala a bile mabe. Yaba ho simolla dipula tse esong ho emise le jwale. Jwale phephetso ke mahola a tswileng taolong, a kgamang dijothollo.
Bonyane ditheko tsa dijothollo le dipeo tsa oli di ntlafetse, mme ba jetseng ba tshwanetse ho fumana morokotso bakeng sa boiteko ba bona. Theko ya koro le yona e ntlafetse, mme sehla se tlang se bonahala se le setle haholo mabapi le ho jala koro (dibakeng tse lokelang).
Re tshwere ka thata tabeng ya ho bopa dikamano tse ntle le Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Ntjhafatso ya Mobu. Re tshepa hore re tla kgona ho tsebisa ka kgatelopele ya taba ena kgatisong e hlahlamang ya Pula. Ha re ka ba le setswalle le lefapha, re ka kgona ho thusa balemi ba bangata.
Re le lakaletsa katleho yohle kgweding e tlang - eka dijothollo tsa lona di ka ba ntle, mme eka le ka ba le tshepo bokamosong ba temo Afrika Borwa.
<fn>PulaImvula. JourneyMaize.2010-02.st.txt</fn>
Morero wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho ntsetsa pele bahlahisi ba bahwebi ba batsho ba filweng bokgoni bo tiileng. Lenaneo lena ke karolo ya ho qetela ya leeto le lebileng tlhahisong ya bohwebi.
Diprojeke kaofela tse fapaneng tse bopang lenaneo lena di thusa ho fihlella sepheo sa rona - dikopano tsa dihlopha tsa boithuto, diteko tsa dipontsho, matsatsi a balemi, popeho ya setswalle, tlhodisano ya Molemi wa Selemo, Lenaneo la Boemo bo Phahameng ba Molemi, dithuto tsa kwetliso, kgaso tsa radio le Pula/Imvula.
Phumano ya mobu o motle, o lemehang, o loketseng tlhahiso ya dijothollo, moo menyetla e leng teng ya mobu wa tlatsetso e le ho mo thusa ho fihlella boemo ba bohwebi ba bonyane ditone tse 250. (Kgiro e tshwanetse ho ba ntho e tiileng, le hoja re sa tshwenyehe hakaalo hore na ke mobu wa hae, mobu o hirilweng kapa mobu o hirilweng wa setjhaba).
Kae kapa kae moo ho kgonahalang, mohlahisi o tshwanetse hore a be a sebetsa a le mong, e seng e le sehlopha. Boiphihlelong ba rona, moo batho ba sebetsang e le sehlopha, hangata ho tsoha dikgohlano tse ngata hoo tswelopele e nyane e bang teng. Maemong a tjena batho ha ba tsepamise maikutlo a bona tlhahisong.
Diterekere le disebediswa tsa temo tse lekaneng. Ruri ha ho kgonahale hore o be mohwebi ha o se na diterekere le disebediswa (maemong a mang, bahlahisi ba hloka borakonteraka ho tabola, kapa ho kotula, jwalojwalo. Empa mohlahisi o tshwanetse ho iketsetsa boholo ba mosebetsi kapa mosebetsi kaofela ka boyena).
Mohlahisi o tshwanetse hore ebe e kile ya eba setho sa sehlopha sa boithuto le hore o kile a ba teng dithutong tse tharo kapa tse nne tse loketseng tsa Grain SA. Ka dihlopha tsa boithuto, mohlahisi o ithuta tse ngata ka tlhahiso ya ditjothollo. Dithuto tsa kwetliso di thusa mabapi le ho matlafatsa mohlahisi. Ka hoo, o tshwanetse ho kenela dithuto le ho thuswa ho kenya tshebetsong tseo a ithutileng tsona, mme tsena di etswe hona polasing ya hae.
Mohlahisi o tshwanetse ho ikemisetsa ho amohela keletso, a be le boinehelo polasing ya hae, le maikutlo a nepahetseng a ho tswela pele. Ho ba mohlahisi wa dijothollo ho hloka boinehelo le ho kena ka setotswana mosebetsing, mme re se re lemohile hore ba bangata ba bahlahisi ba nakwana ba a hloleha tabeng ena. Hore mohlahisi hore a fihle boemong bo phethahetseng ba bohwebi ke ntho e nkang nako e telele, mme ka baka lena, ke matsete a maholo - ha se ntho e nang le kelello ho sebedisa tjhelete e ngata hakana mothong eo ho bonahalang hore ka nnete ha a na boikemisetso ka bolemi.
Ntle le ha eba mohlahisi a ena le tjhelete e lekaneng ya ho sebetsa ntle le ho etsa kadimo ya letho, mohlahisi o tshwanetse ho ba boemong ba ho tshepuwa mabapi le tjhelete eo a e adimang e le hore a kgone ho fumana tjhelete ya kadimo (molao o motjha wa sekoloto (credit act) o thatafaditse dintho hoo ho batlang ho sa kgonahale ho fumana kadimo, mme sena se baka hore bahlahisi ba sitwe ho tswela pele).
Molemo ke ha mohlahisi a ena le maqheka a mang a ka thoko a ho kenya tjhelete. Le ha ho le jwalo, mohlahisi o tshwanetse hore yena ka boyena a behe letsoho mohomeng, a eme ka maoto masimong. Ha re sebetse le monga polasi ya dulang a le "siyo".
<fn>PulaImvula. Key.2008-07.st.txt</fn>
Bokgoni - ho etsa dintho ka nepo.
Tlhahiso ha e lekane le se etswang, empa e totobatsa kgatelopele bokgoning ba ho fetola tse kenang hore e be tse tswang (diphetho kapa dihlahiswa). Ke sephetho sa diphehiso kgolong ya tse hlahang; etswe dintlha tse ding tsona di se di etswe hloko. Ke diphetho tsa dintho tse sa bonweng, e leng tsa boiqapelo, bokgoni, tsamaiso, phuputso, maemo a lehodimo le lehlohonolo.
Ha tshebediso ya tse kang manyolo, mafura le metjhine, e se e entswe ka moo ho hlokahalang ka teng, kapa tsohle tse sebediswang di batla di beha maemo ka mosing, tlhahiso e eketsehileng e tla ba yona feela mohlodi wa kgolo ho tse hlahiswang.
Kgolo ya tlhahiso ke ponahatso ya diphetoho tsa sethekgenike le ntlafatso ya bokgoni tsamaisong e molemo kapa ikonoming e hlahisang haholwanyane ka se senyenyane. Tlhahiso e sebetsang e bolela ho sebetsa ka mokgwa o makgethe, eseng hakaalo ho sebetsa ka matla haholo. Kgolo ya tlhahiso ke ntho e thata ho ka methwa. Ho metha tlhahiso ho hloka ho ba le boikarabelo ho tsohle tse hlahiswang le tse sebedisitsweng, le ho leka ho metha kgatelopele le ho phalla ha ditshebeletso ho ntse ho shebilwe tse ileng tsa sebediswa.
Ho bohlokwa ho nahana ka mehato ya selemo se fetileng mabapi le dintlha tse fapaneng tsa tlhahiso masimong a hao ha o simolla ka moralo wa mosebetsi masimong le ditjheleteng mabapi le sehla se hlahlamang.
<fn>PulaImvula. KeyPerformanceAreas.2007-11.st.txt</fn>
Ntlha tsa bohlokwa tsa tshebetso ke eng?
Jwalo ka molemi, ntho di ngata tseo o di etsang - tsohle ka mabaka a itseng.
O lekola le ho hlophisa mobu wa hao, hobaneng?
E le ho bona ka moo ho ka sebediswang mobu hantle ka teng.
O nka disampole tsa mobu le ho di romella mabapi le tlhophollo, hobaneng?
Hore ke kgone ho sebedisa manyolo a nepahetseng dijothollong, hore kuno e phahameng e tle e fihlellwe.
O phunya kapa ho phethola mobu, hobaneng?
Hore pula e nang e kgone ho kenella mobung.
O phethola mobu nakong eo masimo a tlohetsweng feela, hobaneng?
E le hore masimo a hloke lehola le ho baballa mongobo mobung.
O batlisisa dimmaraka tse kgonahalang tsa dijothollo tseo o batlang ho di jala, hobaneng?
Ho etsa bonnete hore dijothollo tseo ke di lemang di tla rekwa.
O kena konterakeng e itseng ya mmaraka ka poreisi e itseng, hobaneng?
Ho etsa bonnete hore tlhahiso ya dijothollo e tla ba le phaello.
O lokisa tshingwana, hobaneng?
Ho etsa bonnete hore ha ke jala peo, peo eo e tla ba le botebo bo lekanang, le hore kamano e ntle ya peo le mobu o mongobo e tla ba teng.
O jala palo e itseng ya dimela hekthareng ka nngwe ya mofuta o motle wa peo, hobaneng?
Hore ke tle ke kotule dijothollo tse ntle ka ho fetisisa.
O jala semela sa manyolo a itseng, a palo e itseng ya kg/hekthare, hobaneng?
Lebaka e le ho kotula dijothollo tse ngata.
O fafatsa masimo ka sebolayalehola sa pele peo e hlaha, hobaneng?
Ho thibela hlaha ha mahola le ho hlodisana ha ona le dijothollo mabapi le mongobo, manyolo, kganya le moya.
O fafatsa masimo ka sebolayakokwanyana ha o qeta ho jala (fafatsa dijothollo), hobaneng?
Ho thibela tshenyo e bakwang ke dikokwanyana dijalong tse ntseng di hola.
O phethola pakeng tsa mela ya dijothollo, hobaneng?
Ho bolaya mahola a hlodisanang le dijothollo tsa hao.
O apesa ka manyolo dijothollong tsa hao, hobaneng?
Ho fa dimela menontsha e hlokahalang e le ho ntlafatsa kuno/kotulo.
O thibela tse tshwenyang (kokwanyana) le ho fafatsa ha ho hlokahala, hobaneng?
Ho fa dimela tsa rona monyetla o motle, o kgonahalang mabapi le kuno e ntle.
O kotula dijothollo nakong e nepahetseng, hobaneng?
Ho fumana kereiti (mofuta) e ntle ka ho fetisisa ya dijothollo tsa hao.
Dintho tse boletsweng mona hodimo ke tseo kaofela di leng taolong ya hao - o ka iketsetsa diqeto, mme wa nka mehato e hlokahalang.
Potso e hlahlamang ke ya hore o tla tseba jwang hore o entse kapa ha o a etsa dintho tsee tsohle ka nepo Tsela feela ya ho tseba ha eba o nepile ke ho itshehela sebaka (standard) le ho imetha ho ya ka sebaka seo. Ha o sheba tse ding tsa dipotso tse mona hodimo, o tla tseba hore karabo ke "e" kapa "tjhe" - mohlala, potso mabapi le tlhophiso ya mobu le ho sampolwa ha mobu - o se o entse sena kapa ha o a se etsa?
Ka letsatsi le itseng, le beilweng, la qetelo, hape ho hlokometswe botebo bo itseng.
Na o se o bokeletse mongobo o lekaneng wa mobu mabapi le ho jala semela le ho hlokomela semela ho fihlela nako eo dipula tse tlwaelehileng di qalang ho na hape?
Ka kuno efe e lebelletsweng, le hona ka theko efe?
Na tokiso ya tshingwana e lekane, mme na o entse sena ka nako ho jala semela ka nako e nepahetseng, le hona mofuta wa semela seo o rerileng ho se jala?
Ke dimela tse kae tseo o di jetseng hekthareng ka nngwe, mme o fihlelletse tse kae?
Ke dikilograma/hekthare ka nngwe tse kae tseo o neng o rerile ho di jala, mme o fihlelletse tse kae?
Ke dikhemikhale dife tseo o ileng wa di sebedisa, mme na o ile wa sebedisa tse lekaneng hekthareng ka nngwe?
Na o ile wa laola mahola?
O ne o rerile ho sebedisa eng, mme o ile wa sebedisa eng?
O fumane kuno efe hekthareng ka nngwe, mme o ile wa rekisa dijothollo tsa hao ka poreisi ya palohare ya bokae?
Ho teng inshorense ya tse sebediswang temong, e fumanwang ho ARS (le dikhamphaneng tse ding) e reretsweng ho o tshireletsa kgahlanong le diketso tsa Modimo - tsena ke komello, dikgohola, sefako, moya le mollo. Le ha ho le jwalo, ha ho motho ya ikemiseditseng ho kenya wena inshorenseng mabapi le tsamaiso e fosahetseng ya hao. Ka baka lena, ho bohlokwa haholo ho lekola, ho rera le ho kenya tshebetsong ditlwaelo tse ntle ka ho fetisisa tsa tsamaiso.
<fn>PulaImvula. Khuto.2008-03.st.txt</fn>
Monghadi Isaac Khuto o nolofatsa tlhahiso ya koro!
1: Johan Kriel masimong a koro a monghadi Khuto.
2: Monghadi Isaac Khuto, Jane McPherson (manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi), Johan Kriel (Mohokahanyi wa Grain SA wa ntshetsopele ya provense Foreisetata) le Willie Kotze (mohokahanyi wa thupelo le tlhahisoleseding wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA) masimong a koro a Khuto.
3: Kotulo ya koro Ficksburg.
Monghadi Paballo Isaac Khuto o hlahile ka 1944, mme e bile molemi ya ikemetseng dilemong tse robong tse fetileng. O ahile Ficksburg le mofumahadi wa hae, Lerato.
Isaac o na le hekthara tse 230 tsa masimo, tseo ho tsona a nang le hekthara tse 165 (88 hekthara kapa mobu o lengwang). Mobu ke wa bokgoni bo mahareng, wa selokwe. Isaac o etsa bonnete ba ho nka disampole tsa mobu selemo se seng le se seng ho nnetefatsa hore o sebedisa manyolo a nepahetseng mabapi le dijothollo tseo a rerileng ho di lema. Isaac o hlokolotsi haholo mabapi le taolo ya mahola masimong a hae ka ha a batla hore dijothollo di kgone ho sebedisa mongobo ohle o teng hammoho le menontsha ya mobu.
Isaac o na le diterekere tse pedi tsa moetso wa Ford hammoho le disebediswa tse fapaneng, mme o hlokolotsi ka tlhokomelo ya metjhine - hape o jala feela masimo ao a ka kgonang ho a sebetsa hantle le ka mokgwa o hlwahlwa.
Mariheng a fetileng, Isaac o ile a jala dihekthara tse 84 tsa koro ya masimo a komello, le hoja ho ya ka ditshwantsho tse bontshitsweng mona, ho bonahala eka dijothollo di ile tsa nosetswa. A kotula koro kgweding ya Tshitwe 2007, mme a kotula ditone tse 3,4 hekthara ka nngwe! Katleho e makatsang hakaakang! Lemong sena, Isaac ke e mong wa balemi ba ileng ba thuswa ke Lefapha la Temo la Foreisetata le OVK, mme re sa lebelletse ho mmona e le molemi ya ikemetseng, ya ikgonang, mohwebi wa mmakgonthe ruri.
<fn>PulaImvula. Knowing.2008-01.st.txt</fn>
Dimela di hlophisitswe ho ya ka dihlopha tse pedi tsa sehlooho - mahlaku a sephara (dicotyledonous) le mahlaku a masesanyane (monocotyledonous). Dimela tsa mahlaku a masesanyane di na le methatswana e mathang e bapile, ha tsa mahlaku a sephara tsona di ena le methatswana e entseng makalana.
Bohlokwa ba phapang ena bo sitwa ho hatellwa ho feta mona hobane taolo ya mahola ka dikhemikhale e itshetlehile ka phapang e teng pakeng tsa mefuta ena ya sehlooho.
Sepheo sa metso ke ho boloka semela mobung se eme se otlolohile, le ho monya metsi le menontsha mobung.
Semela sa poone se na le metso e entseng makala. Tlasa maemo a matle, metso ya poone e ka nna ya ba bolelele ba 1 500 m. Ha eba metso e kgona ho hola hantle, metso e ka nna ya phatlalla 1,5 m ho ya ka mahlakoreng le ho hola ho ya botebong ba 2 m.
Ka kakaretso, mefuta e mmedi ya metso - motso o motenya, o molelele haholo, o matla haholo, o nang le metsonyana e mmalwa e lebileng ka mahlakoreng. Ho teng hape le metso e mengata, e holang e lebile ka mahlakoreng ohle mobung. Semela sa poone se na le mofuta ona wa metso, mme ho tlatselletsa mona, ha semela se ntse se hola, se eba selelele, mme se fihla boemong ba metjeketlana, ho hlaha metso e meng e thusang ho tshwara semela hore se hole se otlolohile ho ya hodimo. Ena ke metso e metenya, e nang le mmala, e nang le sebopeho sa kerese, e holang ho tloha ka hodima mobu.
Kutu ya semela sa poone e nkile sebopeho sa silindara. Ho hlakile ho bona hore ho na le dikotolanyana (moo mahlaku a simollang teng) le dikotolanyana tse mahareng. Bolelele ba kutu bo laolwa ke mofuta wa peo le maemo nakong ya ho hola ha poone.
Semela sa poone se ka nna sa ba le dikotolanyana tse mahareng tse pakeng tsa tse 8 le 21. Dikotolanyana tse mahareng tse fapaneng di ka nna tsa ba le bolelele bo fapaneng. Seqo semeleng hangata se atisa ho hlaha kotolaneng ya borobedi.
Mahlaku a mabedi a simolla kotolaneng e nngwe le e nngwe. Sepheo sa mahlaku ke ho monya kganya ya letsatsi le ho sebetsa jwalo ka feme e etsang dijo tsa semela. Mahlaku pooneng a ba teng ka ho fapanyetsana kutung, mme a ba teng meleng e mmedi e fapaneng hodima semela. Lehlaku le lelelele, le lesesanyane, mme le dikgeqenyana ho ya dintlheng. Lehlaku le tshehetswa ke karolo e totobetseng, e hare ho ya ka bolelele ba lehlaku.
Lehlaku le 'hema' ka mekotlana (glands) e teng karolong e ka ntle ya lehlaku. Mekotlana ena e bitswa 'stomata'. Mekotlana e mengata e fumanwa karolong e ka tlase le hoja ho ntse ho ena le e meng ka hodimo. Mekotlana ena e entswe ka mokgwa wa hore disele di lahle mongobo ha ho tjhesa le ha ho omme, e leng se thusang lehlaku ho meneha. Tshebetso ena e dumella lehlau ho menehela ka hare, mme sens se thibela tahlehelo e tswelang pele ya mongobo. Nakong tsa motjheso le komello e kgolo, semela se kgona ho ho menahanya mahlaku nakong ya ho tjhesa ho kenelletseng haholo, mme ka hoo, se boloke mongobo. Hamorao nakong ya letsatsi ha themphereitjhara e theoha, tshebetso e kgutlela morao, ebe mahlaku a kgona ho tswela pele ka tshebetso ya ona e tlwaelehileng. Ha maemo a motjheso le komello a ntse a tswela pele nako e telele, tshebetso e sitwa ho fetoha, ebe moo mahlaku a shwang - hona he, ke tshenyo e phethahetseng semeleng, e tla ba le ditlamorao tse babang kotulong ya dijothollo.
Semela sa poone se na le dipalesa tse tona le tse tshehadi - sena se thusa mabapi le ho itshebetsa ha semaela mabapi le pholene (self-pollination). Karolo e tshehadi ke ena e hlahisang seqo, ha palesa e tona e le metjeketlana hodima semela. Peo ka nngwe ya sehlooho e hokahane le tjhupu e tshesanyane (silica). Pholene e tswang paleseng e tona e wela hodima karolong e ka hodimo ya palesa e tshehadi, ebe e hola e eya tlase ka silika ho ya ho se bitswang 'ovary' e leng peo e nyenyane ya poone. Kemaro e etsahala ha pholene e fihla karolong ena ya 'ovary' (popelo).
Ha maemo e le a tjhesang le a ommeng haholo, ho a kgonahala hore silica e ome, e leng se thibelang 'kemaro'. Maemong ana, ho tla bat eng peo e nyane haholo kapa e siyo ho hang seqong. Silika seqong e dula e emetse 'kemaro' nako ya matsatsi a ka etsang 10 - 14. Ho hlokolotsi ruri hore nakong ena maemo e be a lekaneng hantle.
Sepheo ka tshebetso yohle ya ho hodisa poone ke ho hlahisa peo. Boleng le bongata ba peo ke ntlha tsa bohlokwa mabapi le molemo wa tshebetso ya bolemi.
Dintlha tse amang boleng le bongata ba peo ke malwetse, ditlhoko tsa menontsha ya semela, boteng ba mongobo hammoho le themphereitjhara mehatong e fapaneng hammoho le kgetho ya mofuta wa peo.
Nepahalo ya diphetoho mona le mane ke hore ho teng dikhemikhale tse tshwanetseng ho sebediswa pele semela se hlaha, ha tse ding di sebediswa ha semela se se se hlahile.
Pele semela se hlaha ho hlalosa nako e pakeng tsa ho jala semela, ho hlaha ha peo, empa pele semela se hlahella ka hodima mobu.
Ena ke nako ha peo e se e hlahile, mme semela se se se hlahelletse ka hodima mobu.
Mehato ya kgolo ya semela sa poone ke e 0 - 10, e totobetseng hantle.
Poone e jalwa botebong ba 2,5 cm le 5 cm tlasa mobu. Maemong a futhumetseng, a mongobo, peo e nka matsatsi a 6 - 10 ho hlaha. Maemong a phodileng le a ommeng, peo e ka nna ya nka beke tse pedi pele e hlaha. Themphereitjhara e ntle ka ho fetisisa mabapi le ho mela ha peo ke e pakeng tsa 20Â°C le 30Â°C. Mongobo wa sebele o etse 60% ya mothamo w masimo. (Metsi a mangata ho feta tekano kapa a manyane ho feta tekano a ka sitisa tswelopele ya semela).
Bongata ba palo ya mahlaku hammoho le makala a bang teng, ke dintho tsa tlhaho, tse laolwang ke popeho ya semela ka bosona. Lehlaku le letjha le buleha matsatsing a mang le a mang a mararo. Maemong ana, ntlha ya kgolo e sa ntse e le tlasa mobu. Tshimoloho ya metjeketlana e ba mohatong ona.
Nakong ena sebaka sa lehlaku se eketseha makgetlo a mahlano ho isa ho a leshome, mme kutu yona e eketseha makgetlo a 50 - 100. Tshimoloho ya ditsebe e ba teng mohatong ona. Metsonyana e simolla ho hlaha dikotolaneng tlasa bokahodimo ba mobu. Ntlha ya kgolo e ba 5 cm - 7,5 cm ka hodima mobu.
Metjeketlana kgolong e simolla ho tswela pele kapele. Makalana a jereng seqo a simolla ho tswela pele kapele kotolaneng ya botshelela le ya borobedi ka hodima mobu. Palo e ntle e lebelletsweng ya peo seqong ka mokgwa ona e se e laotswe.
Kutu e lelefala ka potlako, mme metjeketlana e se e batla e tswetse pele ka hohlehohle. Silika e qala ho tswela pele ho tloha motheong ho isa karolong e ka hodimo ya seqo.
Mahlaku kaofela a se a phutholohile ka hohlehohle, mme metjeketlana e se e bonahala matsatsing a mabedi ho isa ho a mararo. Makalana a yang ka mahlakoreng, a jereng seqo hammoho le karolwana e kang palesa, di bonahala di se di tswetse pele. Nakong ena ho hlokahala mongobo le menontsha.
Seqo, makalana a mahlakoreng le dikarolwana tse kang palesa, di se di tswetse pele haholo.
Dijothollo tsohle di simolla ho eketseha.
Peo e simolla ho ba thata.
Ha karolwana e ka hare ya peo ya poone e fihla boemong bo phethahetseng ba kgolo, ho ba teng letlalo la disele tse ntsho le bang teng moo karolwana ena e simollang teng. Dijothollo di fihlelletse boemo ba kgolo. Se hlokahalang ke ho fokotsa bongata ba mongobo pele nako ya kotulo e simolla.
Dijothollo di tshwanetse ho fokotsa mothamo wa mongobo hore di fihlele kgolo e phethahetseng. Ho oma ho nka ho ka etsang 5% beke ka nngwe ho isa ho 20%, mme ka mora mona ho oma ho ya butle.
<fn>PulaImvula. Kobus.2008-01.st.txt</fn>
Ngaka Kobus Laubscher o kgethilwe jwalo ka manejara-kakaretso wa Grain SA ho tloha ka la 1 Pherekgong 2008.
Ngaka Laubscher, eo hajwle a hokahaneng le yunibesithi ya Foreisetata, ke setsebi sa ikonomi ho tsa temo, ka tsebo e batsi le ho kena ka setotswana mohatong wa naha le wa provense, hara tse ding, jwalo ka moeletsi dikgwebong tsa temo, mofuputsi le morupedi. Ntle le mesebeti e mengata ya bofuputsi mabapi le ntjhafatso ya naha le dimmaraka, o boetse e bile setho sa sehlotshwana se phethahatsang thomo ya mopremiri wa Kaapa Leboya, mabapi le phuputso mabapi le ho ntshetsa pele bahlahisi ba mekgwa ya ho nosetsa ka metsi.
Maemong a Afrika Borwa, o kene ka setotswana kgwebong ya temo ho la Namibia le Botswana. Ngaka Laubscher hape ke setho sa Mokgatlo wa Dijo tsa Matjhaba le Tsamaiso ya Temo (IAMA). O boetse o na le boiphihlelo boemong ba phethahatso le ba ka thoko ho yona, lefapheng la tsa kgwebo. Haufinyane o sa tswa kgethwa ke letona la tsa mesebetsi jwalo ka modulasetulo (eseng wa phethahatso) wa Institjhute ya Tlhahiso wa Naha (NPI) wa afrika Borwa, mme o sebetsa jwalo ka thatohatsi boemong ba tsa temo. Ho fihlela moraorao tjenae bile setho sa Lekgotla la Yunibesithi ya Foreisetata a kgethilwe jwalo ka moemedi wa bankakarolo.
Ngaka Laubscher o nyalane le Annemarie, mme o na le baradi ba babedi le mora a le mong.
<fn>PulaImvula. KweekgrasMaize.2009-02.st.txt</fn>
Mohlwa - na pheko e haufi e teng?
Byline: Dr. Jeanetta Saayman-du Toit, ARC-Grain Crops Institute, Potchefstroom, Mohala: (018) 299-6297
Cynodon dactylon (quickgrass, couch grass, kweekgras) kapa mohlwa mohlomong e simollotse dibakeng tsa teropiki tsa Aforika kapa Asia. Jwang bona bo atile haholo Aforika Borwa, mme ke bona bo bakang tahlehelo e kgolo ya dimela tsa diphoofolo le dijothollo.
Mohlwa ke jwang bo tsamayang fatshe, bo namang, ba selemo sohle. Bo nama ka dikutu (stolons, runners) le metso (rhizomes, roots). Jwang bona bo boetse bo ka hasanngwa ka disebediswa (moo mobu o phetholwang ka metjhine) le ka diphoofolo tsa mapolasing. Kweek ha e hole haholo ho ya hodimo - hangata ha e hole ho feta 40 cm. Hloho ya peo (Setshwantsho 1) e na le ditsejana tse 3 - 7 tse hlophilweng jwalo ka menwana ya bolelele ba 3 - 6 cm. Peo e bosootho bo fifetseng ka mmala, e a benya, e motopo, ho tloha boleleleng ba 1,1 mm le bophareng ba 0,7 mm. E mela ha bonolo le ho hola haholo le ka potlako.
Mohlwa o hola ka matla, mme o kgona ho senya konkereiti le sekontiri. Nnete ya hore mohlwa o hola ka potlako e etsa hore o be molemo haholo dibakeng tseo ho tsona kgoholeho ya mobu e lokelang ho thibelwa. Mefuta e fapaneng ya peo ya mohlwa e se e ile ya ntshetswa pele ka sepheo sa ho e sebedisa ditseleng tsa metsi (NK 37), lawns (majwanng a malapeng), mabaleng a kolofo le mabaleng a dipapadi.
Mohlwa o hlodisana ka matla le dimela - hara majwang a selemo sohle, mohlwa ke o mong wa majwang a thata haholo, mme ka baka lena, o boima ka ho fetisisa ho laoleha. Hobane jwang bona bo ikatisa ka peo, metso, dikutu tse namang, taolo e hlwahlwa ya jwang bona e hloka kutlwisiso e phethahetseng ya saekele ya bophelo ba bona, mekgwa ya ho bopa menontsha ya bona le ho ikatisa ha bona.
Mohlwa o tshwaetsa masimo ka metso ya ona e kgaotsweng le ka peo ya ona e ka hasanngwang ke diphoofolo hammoho le disebediswa tsa mapolasing. Jwalo ka tlwaelo mefuteng e meng ya majwang, mohlwa le ona, peo ya ona e mela haufi le bokahodimo ba mobu, e bopa metso kapele haholo, mme kapele o bopa mmate o ke keng wa phunngwa ha bonolo. Mohlwa o hlodisana le dimela mabapi le kganya, metsi le menontsha ya mobu, le ho pakellana hodima disebediswa, e leng se qetellang ka tahlehelo e mpe haholo ikonoming.
Potso e leng molomong wa e mong le e mong ke ena: Na re ka laola mohlwa Ho jwalo, re ka laola mohlwa empa pheko ya kapele ha e yo. Taolo ka metjhine feela ha e a lekana. Hangata, tshebetso ya metjhine e kgaola jwang bona, mme ka hoo dikutu tsena tse namang ebe di potlakisa ho ata ha jwang bona?
Nakong ya hwetla (Hlakola - Hlakubele), metabolism (popeho ya menontsha) ya jwang e a fetoha, ebe moo jwang bo fetisetsang menontsha ena metsong hore e sebediswe nakong ya kgwedi tsa serame tsa mariha. Hwetla ke nako e phethahetseng ho fafatsa mohlwa. Dilithara tse 6 tsa "Glyphosate" (Roundup) hekthara ka nngwe di lekane ho laola jwang ba mohlwa nakong ena. "Glyphosate" e tla fetisetswa metsong ke semela, mme e tla bolaya semela kaofela. Maemong a mmalwa feela moo ho ka nnang ha eba le ho hola hape, dimela ho ka nna ha sebetsanwa le tsona ka bonngwe. Ho bohlokwa ho laola jwang bona masimong le mebileng ka ha dibaka tsena di ka nna tsa fetoha mehlodi ya jwang bona.
Mokgwa o mong o loketseng ke wa ho roba dikutu le metso nakong ya mariha ka ho sebedisa metjhine e lemang. Ka mora temo ya mariha, nakong ya sehla sa selemo, hang ha dikutu le metso di se di tiile, ho ka sebediswa dilithara tse 6 tsa "Glyphosate" - fana ka nako ya kgefutso ya beke tse tharo pele ho tswelwa pele ka tokiso ya mobu ya sehla se hlahlamang sa hlabula.
Taolo ya mahola a lehlaku le sephara dijothollong tsa lehlaku le sephara, le taolo ya mahola a kang jwang dijothollong tse kang jwang, e dula e le qaka ho balemi. Ka hoo, ho boima ho laola mohlwa pooneng. Ha eba ho kgonahala, etsa phapanyetso ya tlhahiso ya poone ka sejothollo sa lehlaku le sephara (dinawa tsa soya, matokomane a soneblomo) mme o laole mahola a mofuta wa jwang nakong ya tlhahiso ya dijothollo tsa lehlaku le sephara. Mabapi le keletso ikopanye le baemedi ba haufi ba dikhemikhale tsa temo. Ka mora kotulo ya mariha ya dijothollo tsa lehlaku le sephara, temo ya ho kgaola dikutu le metso e ka nna ya etswa, ebe hape e latelwa ke tshebediso ya dilithara tse 6 tsa "Glyphosate" hekthara ka nngwe.
Pheta lenaneo jwalo ka ha le hlalositswe ka hodimo. Ho ka lebellwa hore ka mora lemo tse pedi tsa tshebetso ena, mohlwa o tla be o le tlasa taolo.
Ha "Glyphosate" e sebediswa, mohlwa o tlamehile hore o be o hola ka matla, mme hape ho tshwanetse ho bat eng sebaka se lekaneng sa lehlaku ho amohela khemikhale.
Se ke wa sebedisa "Glyphosate" ha eba semela se le tlasa kgatello (serame, komello kapa ho kganwa) ka ha sena se tla ba le tshebetso e mpe ho monngweng.
Latela ka hloko ditaelo tse leiboleng.
Ela hloko hore dikhemikhale di se qaphaletse dijothollo tse ding.
Ela hloko nnete ya hore boleng ba metsi a sebediswang ho fafatsa a bohlokwa ho "Glyphosate".
Ho eketsa ammonium sulphate ho "Glyphosate" ho ka kgothaletswa tlasa maemo a itseng.
Hopola hore ho boloka tjhelete nakong e kgutshwanyane ho ka ja ditjeo tse kgolo nakong e telele - sebedisa tekanyo e kgothaletswang ya khemikhale ha eba ho shebilwe taolo e hlwahlwa.
<fn>PulaImvula. Land.2008-07.st.txt</fn>
Nka fumana mobu jwang?
Ka kakaretso ho ka thwe mefuta yohle ya temo e ile ya hloka masimo, le ha e ka ba masimo a manyane jwalo ka mokotinyana moo meroho e ka hlahiswang teng, kapa e ka nna ya eba karolo e batsi ya mobu e sebedisetswang ho fudisa diphoofolo mabatoweng a omeletseng.
Le ha ho le jwalo, ha eba masimo a sebedisetswa temo, monga sebaka seo o tlameha ho ba le sebaka ka molao - Sena se laola kamano pakeng tsa monga mobu (naha) le mosebedisi wa naha eo (ka nako e nngwe monga mobu le mosebedisi wa ona ke motho a le mong).
Ho teng mekgwa e mengata e fapaneng temong, e fang motho monyetla wa ho ba monga mobu, mme mokgwa o mong le o mong o na le dintle tsa ona tse itseng hammoho le dimpe tsa ona. Taba ya bohlokwa e tshwanetseng ho hopolwa ke hore tumellano dife le dife tse amanang le mobu di tlamehile ho ngolwa fatshe ha eba di tshwanetse ho ema di tiile ka lekgotleng la molao - tumellano e iketsetswang feela ka molomo ha e na matla a letho mabapi le mobu.
Hangata tshimolohong ya dikamano tsa mofuta ofe kapa ofe, batho ba kena tulellanong ya se tshwanetseng ho etswa, mme ba lebelletse tse ntle e mong ho e mong. Ha nako e ntse e eja babedi, dikamano di ka nna tsa dukeha, mme qetellong qaka pakeng tsa batho kapa dihlopha ya qetella e le e rarollwang ke lekgotla. Jwalo ka ha ho etsahala haholo maemong a amang naha (mobu), ke ditjhelete tse ngata tse amehang, mme ho a hlokahala ho etsa ditumellano tse ngotsweng fatshe pampiring pele mosebetsi wa mofuta ofe o etswa. Sena se etswa ho tshireletsa dihlopha ka bobedi kgahlanong le diphapang tse ka nnang tsa hlaha hamorao.
Tlhahiso ya dimela ka kopanenelo.
Sekotwana sefe kapa sefe sa mobu Afrika Borwa, le lefatshe ka bophara, se na le bopaki ba thuo (title deed). Ha eba ka molao wena o monga karolo e itseng ya mobu, o tshwanetse o be le lengolo la thuo ya mobu oo. "Deed" e na le tlhaloso ya sekotwana se itseng sa mobu. Lengolo lena ke sesebediswa sa semolao se sebediswang ho fa motho tokelo. Lengolo lena le ka hlaloswa e le mokgwa wa ho fetisetsa 'thaetlele' (tumello) ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong. Moo ho fetisetswang thepa 'real estate' lengolo lena le fetisa thepa ho tloha ho monga yona wa pele ho ya ho ya latelang. Phetisetso ena ya thepa e a ngodiswa diofising tsa 'deeds office' dibakeng tse kgolo tsa Afrika Borwa. Thaetlele deed ke bopaki ba hore mobu o itseng ke wa motho ya itseng.
Hangata ha motho a batla ho adima tjhelete, diinstitushene tse adimanang ka yona di batla tshireletso bakeng sa tjhelete ya tsona. Institushene tsena di tsetela tjhelete tseo bareki ba tsetetseng ka tsona bankeng, mme banka e batla ho tseba hore tjhelete eo e adimaneg ka yona e baballehile na. Monga masimo kapa mobu (ya tshwereng lengolo la thaetlele deed) a ka sebedisa thepa ya hae e le tshireletso mabapi le kadimo. 'Bonto' yona ke ya tjhelete e nngwe e itseng, e qollehileng.
Ho etsa mohlala, a re nke hore monga thaetlele deed o lakatsa ho etsa kadimo ya R100 000 bankeng. Banka e tla ngodisa 'bonto' ya R100 000 kgahlanong le thaetlele deed eo e qollehileng. Ha eba motho ya adimileng tjhelete ha a lefe sekoloto seo sa hae ho ya ka tumellano e entsweng, mona he, motshwari wa bonto (e leng banka mona) a ka nna a qobella motshwari wa thaetlele deed ho rekisa thepa e le hore motshwari wa bonto a kgone ho fumana tjhelete ya hae. Ha eba thepa e ka rekiswa ka R200 000 (ho etsa mohlala), eba banka e nka tjhelete e kolotwang banka. Ha eba motshwari wa thaetlele deed a ne a adimikle feela R50 000, eba banka e ka nka feela R50 000 le hoja bonto e le ya R100 000.
Ha eba motho a rata ho sebedisa mobu/naha kapa thepa ya motho e mong, eba he, dihlopha tsena tse pedi di kena tumellanong ya kgiro/kgirisetso. Ke taba ya bohlokwa hore motho ya batlang ho sebedisa mobu a nnetefatse hore hantlentle ke mang monga mobu ona oo a batlang ho o sebedisa. Tumellano ya kgirisetso ke tumellano e ngotsweng, e pakeng tsa dihlopha tse pedi tsa batho, mme e bontsha dintlha tsohle tsa thepa, nako eo tumellano e tla e nka, tjhelete e lefuwang mabapi le kgirisetso, le hore ditefello di tla etswa kgafetsa jwang ka mora kgwedi dife.
Mohlala, kgirisetso e ka ba pakeng tsa monghadi X (mohirisi - kapa monga tshimo) le monghadi Y (mohirisetswa - motho ya lakatsang ho sebedisa tshimo/mobu); mabapi le Letamo Dawn seterekeng sa Tweespruit sa boholo ba 400 ha, nako ya dilemo tse tharo, ka tjhelete e ka ka R150 hekthara ka nngwe ka selemo, mme ditefello e le tsa kgwedi tse tsheletseng tse lefellwang e sa le pele. Ho tla nne ho be le dintlhanyana tse fapaneng mona le mane tse kenyeletswang tumellanong ya kgirisetsano - mohlala, mabaka a ho emiswa ha kgirisetso, tumello ya ho tlosa difate - kapa maemo afe kapa afe a ka amehang mobung oo.
Motho ya hirisang mobu o sitwa ho sebedisa mobu (naha) jwalo ka tshireletso (security) mabapi le kadimo ya tjhelete ka ha sena se ka etswa feela ke motho ya nang le thaetlele deed kapa monga mobu. Ke taba e monate ho lemoha hore 'kgirisetso e tla pele ho thekiso'. Sena se bolela hore ha ho le teng tumellano ya kgirisetso ya mobu eo mohlomong e leng ya dilemo tse tharo, mme monga mobu a etsa qeto ya ho rekisa mobu oo pele nako ya dilemo tse tharo ya kgirisetso e fihla pheletsong, monga mobu o tlamehile ho rerisana le ya hiriseditsweng - e ka ba ka ho etsa dihlophiso e le hore monga mobu e motjha a tswele pele ka kgirisetso kapa monga mobu a ka dumela ho lefa ya hiriseditsweng tjhelete e itseng eo ho dumellanweng ka yona hore o tla emisa ka kgirisetso.
Tlwaelo ke hore maemong a tsa temo, ditumellano tsa kgirisetso hangata di mahareng a batho ba babedi e leng balemi - e mong ke monga masimo (mobu), ha e mong yena e le ya batlang ho sebedisa mobu; kapa pakeng tsa mmasepala le molemi (ona hangata ke mobu o sebediswang ke mang le mang empa monga ona e le mmasepala); kapa le mmuso - ho teng mobu o mongata wa mmuso, o mpang o sebediswa ke batho ba poraevete ka tumellano ya kgirisetso.
13% ya mobu wa Afrika Borwa e tlasa taolo ya mokgwa wa semorabe (tribal system) - hona ho etsa dimilione tse 17 tsa dihekthara. Hantlentle monga mobu (naha) ke mmuso - hangata Lefapha la Ditaba tsa Naha le Temo kapa Mesebetsi ya Setjhaba, mme o tlasa tsamaiso ya mmuso wa morabe (tribal authority).
Le hoja batho ba bang ba re ha ho direkoto tsa 'sebele' tse ngotsweng mabapi le ditumellano tsa kgirisetso mabapi le mobu wa setjhaba, mekgwa le kabo ke dintho tse tsejwang haholo morabeng oo mme mohlomong ke taba e tshwanetseng ho ngolwa fatshe ditokomaneng, mohlomong le hona diofising tsa 'deeds' jwalo ka ha ho etsahala ho dithaetlele deed. Ho se ho bile teng diatikele tse ngata tsa barutehi tse ngotsweng mabapi le mobu wa setjhaba, mme batho ba bangata ba ba hlahisa maikutlo a bona ka tshebediso e habedi ya mekgwa ena mafatsheng a neng a le tlasa puso ya bokoloniale - mokgwa o batsi, o nang le direkoto tse phethahetseng mabapi le mobu oo beng ba ona e leng ba basweu, le mokgwa o sa ngolang letho ka mobu o tlasa tsmaiso ya setjhaba. Ha eba sepheo sa ho fumana mobu e le tlhahiso ya tsa temo, mme qetellong e be yona phokotseho ya bofuma, mohlomong nako e fihlile hore mokgwa wa setjhaba o nkelwe hloohong le hore ho be teng mekgwa e tla sebediswa ke diinstitushene tse adimanang hore sena se kenngwe boemong ba jwale ba mokgwa wa kgirisetso - ruri sena se kgema mmoho le taba ya sehlooho ya boithuto bo simollang ba phuputso bo phehelletseng mekgwa ya ho etsa hore mobu oo hajwale o leng tlasa kgirisetso ya setjhaba o ka thusa thusa haholo temong.
Molao o motjha o ile wa tjhaellwa monwana palamenteng ya Afrika Borwa ka 2003 - Molaotlhahiso wa Ditokelo tsa Setjhaba tsa Mobu (The Communal Land Rights Bill). Tabakgolo ka molao ona ke hore mobu ohle oo hajwale e leng wa mmuso, o sebediswang ke setjhaba (tlasa mmuso wa semorabe) o tshwanetse ho fetisetswa setjhabeng se sebedisang mobu - setjhaba se tshwanetse ho bopa sehlotshwana sa semolao, se kang, Mokgatlo wa Thepa ya Setjhaba (Communal Property Association), ebe se fumana thaetlele ya mobu. Se bonahalang ka molao ona ke hore o na le ditlamorao tse matla baetapeleng ba setso. Hajwale, kabo ya mobu wa setjhaba e matsohong a mmuso wa semorabe - hang ha Molao ona o kena tshebetsong, setjhaba se tla fumana thaetlele ya mobu, mme mmuso wa semorabe o tla hloka matla a ho aba mobu, e leng moo matla a ona a leng teng hona jwale.
Taba ya bohwai masimong a setjhaba e na le ditlamorao tse matla mabapi le kgwebo ya balemi. Sena se etsahala ka mabaka a mangata.
Ka ha molemi a se na mobu oo e leng wa hae, o sitwa ho etsa mobu oo seitshireletso sa hae ha a etsa kadimo le ha ho le jwalo ho na le molemonyana o itseng tabeng ena - ha eba ha o a ka wa nna wa kgona ho kena 'bontong' mabapi le mobu oo, mobu oo o ke ke wa nkuwa ho wena ha eba o hloleha ho lefa tjhelete ya hao ya kadimo. Mokgwa ona o ka nna wa diehisa dintho, empa ha eba molemi a hlile a ena le tjheseho, a ka nna a tswela pele ka ho nka mehato e menyane a ntse a hatela pele, mme a hlokometse hore a se ipehe kotsing tse ka mo etsang hampe haholo.
Boholo ba mobu o lemehang o fuwang lelapa ka leng mokgweng ona wa PTO hangata ha se bo bokaalo - bo boetse bo a fapana ho tloha ka Botjhabela (moo balemi ba nang le 1 ha - 2 ha ya mobu) ho ya Bophirimela (moo balemi ba nang le ho ka etsang 15 hekthara ya mobu).
Sebaka sa ho fudisa se sebediswa ke setjhaba, e leng se bolelang hore ho boima haholo ho kenya tshebetsong mokgwa wa tsamaiso ya ho fudisa ha basebedisi kaofela ba mobu ba tla tshwanela ho dumellana mokgweng o le mong wa tsamaiso (mohlala, ke dikarolo dife tsa ho fudisa, hape ke dife tse phomolang ka nako e itseng, le hore ke neng dipoho di ka mathisanang le dikgomo le hore di ka tloswa neng).
Batho ba sa sebediseng mobu oo ba o filweng. Mabatoweng a mang, batho ba ka buisana ho sebedisa mobu ona (ka ho fa monga ona karolo e nngwe ya dihlahiswa tsa bona kapa ho lefa rente ya mobu). Le ha ho le jwalo, mabatoweng a mang, ha eba monga mobu a dumella e mong ho sebedisa naha ya hae, o lahlehelwa ke tokelo ya hae ya naha. Sena se qeteletse ka hekthara tse ngata tsa mobu o lemehang tse sa kang tsa sebediswa ka ha 'beng' ba mobu ba tshaba ho ipeha kotsing ya ho lahlelelwa ke katamelo/phumantsho ya mobu oo.
Mokgwa ona wa kgirisetso ke o tlwaelehileng moo e mong motho a nang le tokelo ya semolao mobung, empa a se na mehlodi ho sebedisa mobu oo. Mokgweng wa dijothollo ka kopanelo e mong motho o kenya mobu setswalleng, ha e mong motho a tla thusana le eo ka ho tlisa disebediswa tse hlokahalang hammoho le metjhine le ho etsa mosebetsi. Dintlha ka nepo tsa tumellano di fapana ho ya ka batho - maemong a mang e ka ba karolelano ya dihlahiswa - a mang e ka ba ya tswala (le hoja mona bothata e ka ba hore bokae) kapa karolelanano ya phaello. Mohlala wa sena e ka ba tumellano ya karolelano moo monga mobu a fumanang 10% ya tlhahiso - mokotla bakeng sa e meng le e meng e 10) kapa tone e le nngwe bakeng sa tse leshome. Mofuta ona wa tumellano o qetella ka dihlopha tsena di sebetsa hantle nakong ya sehla se setle le ho sebetsa hampe nakong ya sehla se sebe. Re a lemoha hore tumellanong ya kgirisetso, mohirisi o fumana yona tjhelete eo ho mohirisetswa ho sa kgathaletsehe hore sehla ke se jwang - e leng hore mohirisetswa a ka nna a ba mathateng a ditjhelete ha eba sehla se le sebe haholo, mme tjhelete e kenang e le nyane kapa e le siyo ho hang.
Qetellong, ditokisetso di ngata tse ka etswang ho fumana mobu. Ha eba o batla ho ba molemi kapa sehwai, ha o a tlameha ho ba monga mobu - wena inkele feela tlhophiso eo o ka kgonang ho yona, mme hanghang o tswele pele - Motho eo le kgale e ke keng ya eba molemi ke ya sa ikakgeleng ka setotswana!
<fn>PulaImvula. Leaves.2007-12.st.txt</fn>
Hobaneng ha mahlaku a poone a se matala?
Ka nako ena ya selemo dimela tsa poone dibakeng tse ngata di tswetse pele hantle, mme ho a kgonahala ho bona dikgaello tsa menontsha.
Ona ke monyetla o monate wa ho tsamaya masimong a hao le ho bona mathata ao o ka nnang wa ba le ona le a ka nnang a rarollwa jwale (mohlala, kgaello ya Nitrojene e ka nnang ya lokiswa ka ho kwahela mobu ka LAN), le tse ding tse ka nnang tsa rarollwa sehleng se hlahlamang.
Nitrojene e lekaneng mobung e kgema mmoho le kgolo e hlwahlwa ya dimela le mmala o botala bo fifetseng ba dimela. Kgaello ya nitrojene e iponahatsa ka kgolo e fokotsehileng ya semela le mmala o botala bo kganyang kapa mmala o mosehla. Bosehla bona ka kakaretso bo simolla ntlheng ya lehlaku, ebe bo theohela jwalo ho ya bohareng ba lehlaku. Ha kgaello e se e le mpe haholo, dikarolo tse amehang qetellong di ba sootho, mme di a shwa. Ka ha nitrojene e a tsamaya semeleng, mahlaku a tsofetseng a bontsha matshwao a kgaello ya nitrojene.
Poone e ka bontsha matshwao a mangata a kang kgolo e ntjha e fetohelang bosweung. E ka nna ya bontsha hape metwa e sephara lehlakoreng le le leng kapa a mabedi a lehlaku. Matshwao a kgaello ya zinc a hlahela e le ho tswakana ha metwa hammoho le ho sehlefala ha mahlaku a ka hodimodimo. Dintlheng, bohareng le metsung ya mahlaku ho sala ho le hotala. Ka kakaretso, kgolo e a kgineha.
Sulphur ke karolo e hlokahalang hore e be teng diesiting le diprotheineng tse ngata tsa amino. Ka ha tsena ke tsona ditshiya popehong ya semela, sulphur e tsitsitse popehong ya semela. Letshwao la kgale la kgaello ke ho kganya ha mahlaku a matjha, le ha ho le jwalo, hangata mahlaku kaofela a na le mmala o motala, mme phapang ho kganyeng ha mmala pakeng tsa mahlaku a matjha le a tsofetseng, ha e bonahale ha bonolo. Sena se ka nna sa kgannela hlahlobong e fosahetseng ya kgaello ya N bakeng sa kgaello ya S (Matshwao a kgaello ya nitrojene a bonahala pele mahlakung a tsofetseng). Maemong a mang, methatswana ya mahlaku e ka nna ya kganya ka mmala ho feta dikarolong tse ding tse potapotileng.
Dikgaello tsa sulphur di hlahella ka mora tshebediso e telele ya manyolo a hlokang sulphur, jwalo ka metswako e hlakileng le dihlahiswa tse ding tse nang le metswako e matla ya phosphorus.
Kgaello ya potassium e bonahala ka kgolo e fokotsehileng ya semela le ho sehlefala le/kapa ho tjha ha mahlaku dintlheng. Ka ha potassium e a tsamaya semeleng, matshwao a bonahala pele mahlakung a tsofetseng. Ponahalo e nngwe ya kgaello ya potassium ke phokotseho ya lehlaka kapa kutu, e leng se bakang bothata ba ho kgangwa ke metsi, phokotseho ya thibelo ya malwetse le phokotseho ya ho tiya ha dijothollo nakong ya dipula tse nang nako e telele le tse nang mariha selemong.
Ditlhophollo tsa potassium, tse fumanweng ka mekgwa e fapaneng, di a bapiswa. Ditlhophollo tsa potassium karolong e ka hodimo ya mobu o lehlabathe ha se bopaki bo tshepahalang ba kgaello e bakwang ke ho monyela ha potassium mobung o ka tlase.
Kgolo e kginehileng.
Mmala o botala bo lefifi kapa botala bo bolou.
Kgonahalo ya mmala o phepole dikarolong tse ding tsa semela.
Tieho ya ho fihlella kgolo e phethahetseng.
<fn>PulaImvula. Legislation.2009-12.st.txt</fn>
Molao wa metsi - na wena o kgema mmoho le ona?
Ke taba ya bohlokwa, jwalo ka ya nosetsang kapa monga masimo, ho ikobela ka matla melao e kenngwang tshebetsong le ho hlokomela dintlha tsa sehlooho tse bolelwang moo. Lengolong lena, re tla ke re shebe melao e fapafapaneng.
Metsi kaofela, kae kapa kae moo a ka bang teng saekeleng ya metsi, ke mohlodi wa setjhaba o tshwanetseng ho laolwa ke naha, mme mohlodi ona o tshwanetse ho ba le boemo bo lekanang pela molao. Hore wena kapa nna ke monga metsi, ha se ntho e lokelang ho ba teng, empa se lokelang ke feela tokelo ya ho a sebedisa.
Ntshetsopele, kabelano le tlhokomelo ya mehlodi ya metsi di tshwanetse ho ela hloko ditabatabelo tsa setjhaba, ho dula a le teng, tekano le tshebediso e hlwahlwa. Tsena di tshwanetse ho etswa ka mokgwa o supang boleng ba metsi setjhabeng.
Phano e tlamehile ho etswa ho shebilwe ditlhoko tsa lelapa, tsa tikoloho le boitlamo ba matjhaba.
Molao wa Naha wa Metsi o dumella ho hlongwa ha dihlotshwana/mekgatlo ya taolo ya phano ya metsi. Baemedi ba Tsamaiso ya Phano (Catchment Management Agencies) le Mekgatlo ya Basebedisi ba Metsi (Water User's Associations) - tsena di tla shebana le tsamaiso ya mehlodi ya metsi, mme di tla nka sebaka sa Makgotla a Nosetso, e leng a nako e fetileng.
Keletso ke hore ha eba o rerile ho sebedisa sekema sa hao sa nosetso, moo o rekileng kapa o hirileng polasi, mme o ena le ditokelo tsa ho nosetsa, o tshwanela ho fumana pele Lefapheng la selehae kapa la provense la Ditaba tsa Metsi le Meru hore ditokelo tsa hao tsa tshebediso ya metsi ke dife mobung oo o tla beng o o nosetsa.
Ha eba o ntse o nahana taba ya ho hira mobu mabapi le ho o nosetsa, ke taba ya bohlokwa mapolasing a nang le mokoti o le mong o borilweng kapa e mengata, hammoho le mapolasing a nang le ditokelo tsa dinoka, ho fuputsa hore ditokelo ke dife tse ngodisitsweng le hore mothamo o lekantsweng wa tshebediso ya metsi ke o mokae polasing e jwalo.
Balemi ba itseng ba ekeditse ka mekoti ya tlatsetso e borilweng e nang le pivots tse ngata ho feta tse dumelletsweng ditokelong tsa tshebediso ya metsi. Lebatoweng la Bloemfontein Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le se le thibetse tshebediso ya pivots tsa tlatsetso ho a mang a mapolasi.
Tse ding tsa diketso tse bileng le sekgahla ho basebedisi ba metsi le ho ba nosetsang di hlaloswa ka bokgutshwanyane tlase mona.
Leano le akaretsang la tikoloho le fuperwe ke Artikele ya 2(1) ya Molao wa 1989. Hara tse ding le bua ka tokelo tikolohong e baballehileng, ya maemo a matle bophelong, boikarabelo tshireletsong, tlhokomelo le tswelopele tikolohong ya tlhaho, hammoho le kamano pakeng tsa mebuso e laolang, setjhaba le mekgatlo ya temo.
Mekgatlo le mesebetsi kaofela e nang le sekgahla tikolohong e tshwanetse ho kgothaletsa ho simolla le ho kenya tshebetsong mokgwa o tlwaelehileng wa tsamaiso tikolohong.
Mekgwa ena e tshwanetse ho laolwa ke maemo le tataiso e amohelehang, e le hore ka boyona e kgone ho ba le taolo mesebetsing efe kapa efe ya yona e ka bang le tshusumetso tikolohong.
Leano mabapi le tshebediso ya mobu le hlalosa hore diteko tse ikgethileng di tshwanetse ho etswa ho baballa mehlodi ya metsi le ya dibaka tsa mahae. Leano mabapi le mehlodi ya tlhaho le boetse le kenya taolo ya hore mekgwa e tshwanetse ho sebediswa ho tiisa hore mehlodi ya metsi e sebediswa ka mekgwa e nang le boikarabelo e le hore kabo e hlwahlwa e ka fihlella mafapha a fapaneng.
Molao ona o fana ka taolo tshebedisong ya mehlodi ya tlhaho ya Riphabolike, ho ntshetsa pele tshireletso ya mobu, mehlodi ya metsi, dijalo hammoho le taolo ya mahola le dimela tse itshohlometsang, hammoho le ditaba tse amanang le tseo.
Ho nosetsa ka dikhemikhale ho ka ba le sekgahla se matla haholo tikolohong ha eba diphoso di ka ba teng. Ka hoo, molawana o amehang o teng Afrika Borwa o amang tshebediso ya mokgwa ona. Le ha ho le jwalo, ha ho tumello tse ikgethileng, tse hlokahalang, kapa ditaelo tseo ho tshwanetseng ho ipapiswa le tsona.
Thibelo ya letswai le ho tlala ho feta tekano ha lona mobung o nosetswang.
Dikanale tsa phepelo, diforo tsa tsamaiso ya metsi, pokello le polokelo ya matamo, di tshwanetse hore di se kenellwe ke metsi a tswang ka thoko.
Thibela ho nosetsa ho feta tekano kapa ho nosetsa ka metsi a nang le letswai le lengata haholo.
Ho hlongwa le ho hlokomelwa ha mekgwa e loketseng ya ho monyela ha metsi ho ntsha metsi a mangata ho feta tekano, a leng ka hodima mobu le a leng ka tlasa mobu hammoho le ho tsamaya ha ona, ke tse ka thibelang ho kgangwa ke metsi le letswai dikarolong tse fapaneng tse ka tlasa mobu.
Manyolo le pokello ya ona, e leng tse bakang letswai, ha di a tshwanela ho sebediswa.
Tshebediso ya sentlafatsi se lokelang sa mobu se ka sebediswa mobung o letswai.
Molao ona o fana ka menyetla mabapi le mehato e ka nkwang ntshetsopeleng ya bophelo bo botle ba baahi ba Riphabolike.
Artikele ya 14 (1)(c) ya Molao e bolela hore mosebetsi wa Lefapha la Bophelo bo Botle o kenyeletsa ho nka mehato e hlokahalang ntshetsopeleng ya tikoloho e baballehileng le ya bophelo bo botle.
Dintlha tse amehang di kenyeletsa maemo a kotsi bophelong bo botle, metsi a silafaditsweng, dikgwerekgwere tse thata le merwalo e meng ya tikoloho.
<fn>PulaImvula. Lepati.2008-01.st.txt</fn>
"Bosiung bona ke monna ya lebohang. Ke leboha Morena ka lerato la bolemi leo a mphileng lona." Ana ke mantswe a Lepati Macaphasa, Mohlahisi wa selemo 2007 wa Dijothollo wa Grain SA/Absa; e leng se bontshang hore lerato la bolemi le a hlokahala hore motho a atlehe boleming.
Lepati o tswaletswe polasing e lebatoweng la Fouriesburg, mme ha esale a ena le lerato la bolemi ho tloha bonyenyaneng. Ka mora lemo tse tharo tsa sekolo, Lepati a simolla ka tshebetso ya hae ya lemo tse 54 polasing ya Fouriesburg moo kapelepele e bileng foromane.
Qetellong, a latella pelo ya hae, mme a reka masimonyana a hae. Le hoja a ne a sa ruteha, empa o ile a fetola polasi ya hae ho ba sebaka se atlehileng sa kgwebo nakong ya lemo tse 14. "Ke e mong wa batho ba hlomphuweng, ya ileng a fuwa lerato la ho hlahisetsa ba bang dijo. Lerato lena ho nna ke le fuwe ke Modimo ka sebele."
"Tshimoloho ya mosebetsi wa ka wa temo e bile bonolo ka baka la boiphihlelo boo ke seng ke ena le bona," o realo Lepati, ya nang le dihekthare tse 506 tsa masimo, mme a hirang tse ding hape tse 200 ho mohlahisi e mong wa lebtowa la Kestell. Kgwebo ya Leipati e mahlakore a mabedi; dijothollo le diphoofolo.
Jwalo ka setho sa sehlopha sa boithuto sa mohlahisi ya ntseng a thuthuha wa Grain SA, Leipati o sebetsa a ipapisitse haholo le Johan Kriel, mohokahanyi wa provense wa lenaneo la Mohlahisi ya Thuthuhang wa Grain SA Foreisetata. "Leipati ke monna ya nang le seriti. O hlomphuwa ke e mong le e mong ya kopanang le yena. O tadima motho e mong le e mong ka lerato, mme o rata ditloholo tsa hae haholo ruri," ho realo Johan.
Leipati o na le dihekthare tse 320 tsa masimo a dijothollo, mme o latela mokgwa wa ho di fapanyetsana pakeng tsa poone, mabele le dinawa. Sampole tsa mobu di etswa lemo tse ding le tse ding tse pedi ho etsa bonnete bah ore ho nontshwa ha mobu ho ba teng ka tekanyetso e nepahetseng. Mahola a laolwa ka dikhemikhale le ka metjhine. Sehleng se fetileng Leipati o ile a lema ka katleho poone ya GM kgetlo la pele. "Ke tla tswela pele ho lema poone ya GM le nakong e tlang ka baka la mokgewa o bonolo ka kakaretso wa ho laola dikokwanyana," ho realo Leipati.
Ka baka la taolo e ntle ya mahola ka metjhine, diterekere tsa leipati hammoho le disebediswa tse ding tsa polasi di maemong a matle. Ka 1974 ha Leipati a ne a simolla ka temo, mohlahisi e mong wa kgwebo o ile a mo fa Ford 5000. Terekere ena e ntse e le maemong a matle a tshebetso, a ho se tsholle le tsona diole. Ha kgwebo ya Leipati e ntse e hola, a eketsa ka Massey 188, Ford 66, Ford 7610 le New Holland 6640 tshebetsong ya hae. Ditereke tsena di lokiswa (serviced) ka tshwanelo, mme rekoto e nepahetseng e a bolokwa, e leng karolo ya bohlokwa ya tshebetso ena e ntle.
Bara ba babedi ba Leipati, bao le bona ba keneng kgwebong, ba kganna diterekere tsena. Basebetsi ba nako tsohle ba babedi polasing, mme ha ho hlokahala, ho hirwa ba bang nakwana.
Ha ho kgwebo ya bolemi e hlokang mathata. Bothata ba Leipati ke ho fokola ha motlakase ho bakang mathata. O kentse kopo ho ba Eskom ho mo fepela ka motlakase, e leng se tla mo thusa ho lokisa diterekere tsa hae hantle le ho feta.
Diphoofolo tsa Leipati ke dikgomo le dinku. Kgomo tsa hae haholoholo ke tsa motswako wa Bonsmara tse kgolohadi, tse ka bang 85 le dinku tse ka bang 100. Ho ya ka Leipati, diphoofolo di etsa ho ka bang kotara ya tjhelete e kenang - o rekisa manamane nakong ya ho qetela ya hwetla difantising tsa selehae. Manamane a ha eke a boleng bo hodimo, mme o se a bile a ile a hapa tlholo le ho fumana moputso ka manamane a matle a hae. Tlhodisano e ne e tshwaretswe difantising tsa selehae, mme Leipati o ne a bile a hlodisana le bahlahisi ba bahwebi. Dihekthare tse 386 tsa masimo a ha eke sebaka sa ho fudisa.
Phuthaditjhaba ke Sebeka seo Leipati a ikgethetseng sona ho sebeletsa ho sona, e leng moo a dulang teng le mofumahadi wa hae, Nooi, le bara ba hae ba babedi. Ka moputso wa tjhelete oo a o fumaneng jwalo ka Mohlahisi ya ntseng a hola wa Selemo wa Dijothollo wa Grain SA/Absa, o ile a bua tjena le Johan Kriel: "O a tseba keng, Johan, jwale nka reka le yona peo e ngata masimong a mang a ka." Jwale ao ke mantrswe a nnete a mohlahisi wa mmakgonthe!
<fn>PulaImvula. Letter(maize).2011-06-07.st.txt</fn>
Lebitso la ka ke John Billy Ngwenya. Ke tswa motsaneng wa Glenmore, seterekeng sa Mlondozi, provensenng ya Mpumalanga. Ke qadile ho etsa tsa bokheneke ka 1995 ha ke ne ke rutwa ke ntate. Ke ile ka kenela Thuto ya Tokiso ya Enjene e neng e tsamaiswa ke Monghadi Israel Mokoto wa Grain SA ka Loetse 2008.
Ke qetile thuto ena, ka fumana sertifikeiti. Ke fumane bokgoni thutong eo, ke ka baka lena kajeno le lokisang diterekere tsa balemi ba metse e haufi. Ke leboha Grain SA. Ke kgothaletsa batho bohle ho kenela dithuto tsena tse tshwarwang ke ba Grain SA.
<fn>PulaImvula. Livestock(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Caption 1: Setshwantsho sena se bontsha dikarolo tsa tshilo kgomong.
Caption 2: Mala a pele hammoho le dikahare tsa ona.
Caption 3: Setshwantsho se haufi sa lebota la mala a pele.
Caption 4: Lebota la mala a bobedi.
Caption 5: Setshwantsho sa ho menahana ha dinama leboteng la mala a boraro.
Jwalo ka ha re hlokometse, temo ke kgwebo, mme hore motho a atlehe, kgwebo e tshwanetse ho etsa phaello. Dilemong tse sa tswa feta, ho ile ha nna ha eketseha bothata ba ho etsa phaello tlhahisong ya poone.
Ditjeo tsa tse kenngwang mobung di dula di eketseha, mme theko ya dijothollo e sitwa ho kgema mmoho le tsona. Balemi kajeno ba leka ka hohle ho eketsa phaello temong ya poone. Ho na le mekgwa e mengata ya ho fihlella sena, mme o mong wa yona ke ho kenyelletsa kgwebo ka mehlape.
Balemi ba bangata ba na le mehlape, dikgomo, dinku le/kapa dipodi. Ba na le makgulo a ho fudisa, ao hangata a lekaneng sehla sa lehlabula, empa hangata ha ho dijo tse lekaneng nakong ya dikgwedi tsa mariha. Haeba o rata ho ba mohwebi wa mehlape, kapa o itadima o le yena, o tshwanetse ruri ho nahana ka taba ya ho ba mohlahisi wa dijo tsa mehlape; o ka kgona ho ba le mehlape ha feela o na le dijo tse ka jewang ke mehlape.
Hore o kgone ho phahamisa sekgahla sa mehlape, ho a hlokahala hore o utlwisise ka moo tshilo ya diphoofolo e sebetsang ka teng. Ka bokgutshwanyane, ho teng mefuta e mmedi ya tshilo diphoofolong tse ruilweng, tsa mala a le mang, mohlala, kolobe, pere (hammoho le batho) hammoho le tse thuisang, tse kang dikgomo, dinku, dipodi (le tse ding tse jang jwang). Phoofolo e thuisang e na le mala (stomachs) a mane, mme lela ka leng le na le mosebetsi o ikgethileng wa lona.
Dihoreng tse tlwaelehileng tsa kgomo, dihora tse robedi ke tsa ho fula (ditlheferetsi), hora tse robedi ke tsa ho robala, mme hora tse robedi ke tsa ho thuisa dijo. Hoba kgomo e je jwang, e nwa metsi, e bothe fatshe, mme e qalelle ka ho thuisa/ho sila. Bo bong ba jwang boo kgomo e bo jeleng ha e ntse e fula bo boholo haholo, mme ka hoo, kgomo e a bo hlatsa le ho bo hlafuna hape kgetlo la bobedi hore bo be bonyane le ho bo kopanya le mathe (hona ho hlokahala haholo tshilong). Ho silwa hona ho etsa hore diphedi tse nyane (micro organisms) di kgone ho ja (hlaloswa hamorao ditabeng tsena).
Ho simolla puisano, a re ke re shebeng dikarolo tsa tshilo tsa phoofolo e thuisang.
Molomo ke ona o simollang mosebetsi wa tshilo ka ha dijo di kena ka ona. Molomo o na le marenene, meno (a bang teng ka mora tlhaho), leleme le mekotlana ya mathe. Ho a kgonahala ho ka tseba dilemo tsa phoofolo e thuisang, ka ho sheba meno a yona, hobane meno a mang a ba teng dilemong tse itseng.
Qoqotho ke tjhupu e kopanyang molomo le mala a pele (rumen).
Mala a pele a sebetsa jwalo ka moqomo o moholo oo ho bodiswang ka hara ona. Ha ho na okesijene ka hara mala ana. Mala ana a pele a fupere dijo le ditlheferetsi (tse kang jwang) tse jelweng ke kgomo, mme a kgona ho nka dilithara tse 100 - 120. Letsatsi le letsatsi, kgomo e kgolo e tlamehile ho ja dikilogram tse ka bang leshome tsa dijo tse ommeng, hammoho le dilithara tse 50 tsa metsi. Dikahare tsa mala ana a pele di tshwanetse ho dula di sebetsa.
Ho teng diphedi tse nyane (tiny little organisms) tse robang ditlheferetsi hore di be sebopehong se ka silwang ke kgomo. Ka ntle ho tsona hammoho le diphedi tsa protozoa, kgomo e ne e tla sitwa ho ja dijo dife kapa dife. Diphedi tsa mala a pele di sila ditlheferetsi, mme di etsa esiti tse bohale, tse mafura ho etsa diprotheine le divithamine.
Diphedi tse nyane tsa mala a pele di sebetsana le mefuta e ikgethileng ya ditlheferetsi; ho teng diphedi tse fapaneng tsa dijo tse fapaneng. Ke ka baka lena ho hlokahalang hore dijo tsa kgomo di dule di le jwalo, di sa fetohe, mme phetoho ha e etswa e etswe butlebutle. Ha mofuta wa dijo o fetoha, ho tshwanetse ho hlaha mofuta o mong wa diphedi o tla tshwanela ho sebetsana le mofuta oo wa dijo. Hona ho ka nka matsatsi a mararo.
Hona ke karolo eo dijo di fetang ho yona, e pakeng tsa mala a pele (rumen) le mala a boraro (omasum), mme ke moo metsi a monngwang ho yona. Mala ana a bobedi a boetse a sebetsa jwalo ka sefe e thibelang dintho tse phoso tse kwentsweng ke kgomo, tse kang, lejwe kapa terata, jwalojwalo.
Mala ana ke a boraro, mme a entswe ka dinama tse ngata tse menahaneng. Mosebetsi o moholo mona ke ho monya metsi.
Mala ana a bone ke a ho qetela, moo dijo tse sitsweng, mme tsa boela tsa silwa hape, di sebetswang ke dienzaeme tsa tshilo hore dijo di be sebopehong se ka monngwang ke mala a manyane (small intestine).
Maleng a manyane ke moo dijo di monngwang teng. Ke moo qetellong dijo di kenang mading a kgomo le ho fetisetswa dithong tse fapaneng tsa kgomo, moo di sebetswang teng ho ya pele.
Ho ya ka ditaba tsena tse bonolo tse boletsweng hodimo mona, o lemoha bohlokwa ba ho fepa mehlape ya hao ka nepo. Lebaka la ho ba le mehlape, ekaba ho rekisa dihlahiswa tsa yona (lebese, boya), kapa ho rekisa tse tswetsweng ke mehlape (manamane, dikonyana), kapa ho ja nama. Ha diphoofolo di fepuwa le ho hlokomelwa hantle, di kgona ho o hlahisetsa melemo ena le ho kenya letsoho phaellong ya bohwebi ba hao.
<fn>PulaImvula. Machinery(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Nakong ya sehla sa lehlabula sa mosebetsi o mongata, ka mehla ke sephethephethe sa ho phetha mosebetsi nakong e nyane e leng teng. Haholoholo sehleng se sa tswa feta sa hlabula, dipula di diehile ho na, mme ka hoo nako e lekane motinyane, mme e bohlokwa haholo.
Hangata nakong ena e boima, tlhokomelo le tlhwekiso ya diterekere le disebediswa e ba ya ho qetela lenaneng la dintho tsa bohlokwa. Jwale ha sephethephethe sena se fetile, iphe nako ya ho kga moya le ho hlokomela disebediswa tsa hao.
Tlosa mobu, ditshila le ho pakellana ha grease disebedisweng, mme o boele o ferefe dikarolwana tse ngwapehileng kapa tse seng di fetse. Sena se thibela mafome a ka senyang disebediswa, mme se lelefatsa nako ya disebediswa.
Tlosa oli kapa grese dikarolong tsohle tsa motjhine/sesebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe bukeng ya tataiso ya mosebedisi.
Mabapi le poloko e baballehileng setorong, haeba ho na le dikarolo tse menwang, theolela tsena tsohle fatshe.
Tshireletsa bokatlase hammoho le tetse tsa mohoma kgahlanong le mafome ka grease e thata kapa bokatlase ba mohoma ka pente e thibelang mafome.
Etsa lethathamo la dikarolo kapa ditokiso dife kapa dife tse hlokahalang. Di reke, o di kenye pele ho sehla se hlahlamang.
Boloka sesebediswa ka hara moaho, haeba ho kgonahala, mme o etse hore dithaere di se ke tsa jara boima.
Beha dikhateboto ka tlasa bokatlase ho thibela ho thetsana le mobu le ho ba le mafome.
Tlosa disilindara tsa hydraulike kapa kgutsufatsa disilindara ho tshireletsa diroto tsa disilindara kgahlanong le mafome.
Service e nepahetseng ya plantere ya dijothollo tsa mela e bolela phapang pakeng tsa dijothollo tse nang le phaello le tahlehelo e kgolo. Kgetho, ho behwa ha peo, ho kupetswa ha yona, ho tsitsa ha yona, ke tshebetso tse hlokolosi ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo. Haeba plantere e sa sebetse hantle ka baka la service, sephetho se tla lebellwa e ke ke ya eba se setle.
Tsholla le ho hlwekisa mabokose a manyolo, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, hammoho le bokatlase ba motjhine o jalang peo (hopper) ho thibela mafome le ho senyeha.
Hlahloba dikarolwana tse fetseng kapa tse robehileng, mme o kenye tse ding pele ho sehla se hlahlamang sa ho jala.
Tlotsa ka oli kapa grease ditshepe tse bulang diforo, thipa kapa dikgurumelo tsa ditetse, hammoho le dibaka dife kapa dife tse hohlehileng, ho thibela mafome.
Tlotsa di-bearing kaofela ka grease.
Loka di-makera (markers) hore di be boemong ba "transport", mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina plantere, mme o etse bonnete hore mabidi ha a thetsa fatshe.
<fn>PulaImvula. Machinery(opot).2011-01-12.st.txt</fn>
Nakong ya mosebetsi o mongata wa lehlabula, hangata ke semphete-ke-o-fete moo sepheo e leng ho phetha mosebetsi ohle nakong e sa ntseng e le teng. Haholoholo sehleng sena se sa tswa feta sa hlabula, dipula di diehile ho na, mme ka hoo, nakonyana e bileng teng e bile ya bohlokwa haholo.
Hangata nakong ena ya kgatello, tlhokomelo le tlhwekiso ya diterekere le disebediswa tsa temo di behelwa morao lenaneng la tse lokelang ho etswa. Jwale ha nako ya sephethephethe e fetile, iphe nako ya ho hlokomela disebediswa tsa hao.
Hlwekisa mobu, tse lahlwang le ho pakellana ha grease ho tse sebediswang, mme o ferefe hape mengwapo kapa dikarolwana tse hohlehileng. Hona ho thibela mafome a ka senyang, mme ho lelefatsa nako ya tshebediso ya disebediswa.
Tlotsa dikarolo kaofela tsa motjhine le tsa sesebediswa ka grease kapa ole jwalo ka ha ho kgothaletswa bukaneng ya tataiso.
Mabapi le ho boloka ka mokgwa o baballehileng, haeba ho teng dikarolo tse ka menwang, theolela tsena fatshe.
Tshireletsa dikarolo tse ka tlase tsa mohoma hammoho le tse thetsang mobu. Etsa jwalo ka grease e thata kapa ka ferefe/pente e thibelang mafome mohomeng.
Etsa lethathamo la dikarolwana kapa ditokiso tse lokelang ho etswa. Di reke, o di kenye pele sehla se hlahlamamng se fihla.
Boloka sesebediswa ka hara moaho ha ho kgonahala, mme o hlokomele hore dithaere di se jare boima.
Ala khateboto ka tlase. Sepheo mona ke ho thibela ho thetsana le mobu le ho thibela mafome.
Tlosa disilindara tsa hydraulike kapa kgutsufatsa disilindara hore o tshireletse dirotse (rots) kgahlanong le mafome.
"Service" e nepahetseng ya plantere ya mela e ka nna ya bolela phapang pakeng tsa sejothollo se nang le phaello le tahlehelo tse hodimo. Kgetho ya peo, ho behwa ha yona, ho tshireletswa ha yona, poloko ya boleng ba yona, ke dintlha tse hlokolosi ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo. Haeba plantere e sa sebetse hantle ka baka la tlhokomelo e fokolang, se ka lebellwang e ka ba kuno tse tlase ho tse neng di lebelletswe.
Ntsha manyolo, dibolayalehola le dibolayakokwanyana, mme o hlwekise dikhateboto, hammoho le bokatlase ba hopara (hopper) tsa peo ka sepheo sa ho thibela mafome le ho senyeha.
Hlahloba dikarolwana tse kgathetseng le tse robehileng, mme o kenye tse ntjha pele sehla se hlahlamamng sa ho jala se fihla.
Tlotsa ka grease kapa ole dikarolo tse bulang diforo, dikarolo tse tshireletsang thipa kapa tetse hammoho le karolwana efe kapa efe "e bentshitsweng". Sepheo mona ke ho thibela mafome.
Tlotsa di-bearing kaofela ka grease.
Notlela di-markers, o di behe boemong ba "transport position", mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina plantere mabidi a sa thetsa fatshe.
<fn>PulaImvula. Maintenance.2007-12.st.txt</fn>
Ho etsahetse eng ka tlhokomelo?
Ditshwantsho tsena tsa kgoho e fuameng ka hara meqomo ya plantere le mahe lebokoseng la dithuluse tsa terekere di qholoditse kelellong tsa rona potso mabapi le tlhokomelo ya metjhine. Ho theoha hona ha maemo ha se ntho e etsahetseng ka letsatsi le le leng - ke ditholwana tsa dikgwedi le dilemo tsa ho se tsotelle.
Tshebediso ya metjhine ke bohare ba temo ya kgwebo - ntle le yona re sitwa ho etsa letho le itseng tjha ka letsatsi. Tlhokomelo ya metjhine e tshwanetse ho ba tlwaelo ya rona - ho hlokomela ntho e nyenyane ka mehla ho thibela mathata.
Ho robeha ho ba teng ha terekere kapa sesebediswa se ntse se sebetsa - ena ke nako eo sesebediswa se hlokwang haholo. Ha eba o hlokometse ho nka mehato pele dintho di senyeha, o tla baballa tjhelete e ngata le yona nako e ngata. Ho bonahala nakong ya sehla moo molemi a lomahantseng meno, a tshwereng ka thata, hore na o tswela pele kapa o kgutlela morao na.
Lena ke lengolo la Tshitwe la Pula-Imvula, kgwedi e nngwe ya tse ngata tseo ka tsona balemi ba bangata ba sebetsang ka thata haholo masimong a bona - ba jalang poone ya bona ya ho qetela, ba phetholang masimo a bona ho laola mahola, ba fafatsang ho thibela dikokwanyana tse phunyang dikutu dimeleng, le ho kotula koro ya bona.
Tlhokomelo ya terekere letsatsi le letsatsi e bohlokwa ho feta ka moo basebetsi ba bang ba nahanang ka teng.
Sehlwekisamoya (air cleaner) se ka thijwa ke ditshila, mme sa baka tshebediso e ngata ya mafura le tahlehelo ya matla.
Sehlwekisamoya se ka ba le masoba a etsang hore ditshila di kene ka enjeneng, mme sa baka ho senyeha ha dikarolwana tsa yona pele ho nako.
Boemo ba oli ka enjeneng bo ka ba tlase haholo, mme sena sa qetella se bakile tshenyo e kgolo enjeneng ka baka la kgaello ya mafura a fokotsang kgohlano ka enjeneng.
Oli ka hara enjene e ka ba ditshila, mme ya baka ho senyeha ho hoholo dikarolong tse ka hare tsa enjene.
Karolo e phodisang e ka lahlehelwa ke metsi a phodisang, mme sena sa baka motjheso o phahameng haholo, e leng se ka senyang dibearing, dipistone le divalve.
Sekgakeletsi sa oli se ka thibana ka baka la ditshila kapa mafoome, mme sa baka tshebetso e fokolang ya enjene, kapa ho ema ha enjene.
Dikarolo tse lokolohileng kapa tse sa tlangwang hantle di ka hloleha, tsa wa kapa tsa lemala, mme tsa etsa hore terekere e be kotsi ho ka sebediswa.
Thibela kgohlano le tshenyeho ena e phahameng ka ho sebedisa metsotso e seng mekae feela ka letsatsi.
Hlahloba le ho lokisa sehlwekisamoya.
Hlahloba boemo ba oli enjeneng.
Hlahloba boemo ba sephalli se phodisang enjene.
Tlotsa ka kerise (grease) dikarolo tse tlamahantsweng.
Hlahloba setshelo sa sefang mafura (fuel).
Hona ho ka tadimeha jwalo ka ha eka ke mosebetsi o mongata, empa ha o latela mokgwa ona ka mehla, terekere ya hao e tla dula e o sebeletsa, mme o tla kgona ho kotula dijothollo tsa hao qetellong ya sehla.
Qetellong ya sehla sa hlabula, disebediswa tse ngata di a behwa ho fihlela sehleng se hlahlamang.
Tlosa ditshila kaofela, mobu o pakellaneng le kerise e ditshila motjhineng.
Ferefa hape dibato tse bakilweng ke ho tloha ha ferefe kapa ho ngwapuwa.
Dikarolo tse amanang le mobu di tlotswe ka ferefe kapa kerise e boima ho thibela mafoome.
Tlotsa ka oli kapa kerise motjhine ohle jwalo ka ha bukana ya mosebedisi e kgothaletsa.
Beha disebediswa ka tlung (ha ho kgonahala) ho thibela ho pepesehela maemo a lehodimo.
Phahamisa disebediswa le ho di beha hodima bloko hore boima bo tlohe hodima dithaere. Tshireletsa dithaere letsatsing ha eba di bolokwa ka ntle (mokotla o tlwaelehileng o ka thusa haholo).
Ha eba sesebediswa se ena le dihydraulike, Kenya lock ya boipaballo, mme o lokolle kgatello (pressure) disilindareng tsa hydraulike kapa o theolele motjhine fatshe mobung. Kgutlisa ka hohlehohle disilindara hore o tshireletse dirods tsa tsona hore di se dule di pepesehile ka ntle, mme tsa qetella di ena le mafoome.
Tsholla le ho hlwekisa mabokose a manyolo, dibolayakokwanyana le dibolayalehola, hammoho le bokatlase ba setshelo sa peo (seed hopper) ho thibela mafoome.
Hlahloba dikarolo tse hohlehileng le tse robehileng, mme o kenye tse ntjha bakeng sa tsona pele nako ya sehla se hlahlamang e fihla.
Ho thibela mafoome tlotsa ka oli kapa ka kerise ditshepe tse bulang diforo le tse tshireletsang dithipa kapa didiski hammoho le dikarolo dife kapa dife tse bentshitsweng.
Tlotsa dibearing kaofela ka kerise.
Hlokomela ho beha ditshupi (markers) ho 'boemo ba ho tsamaya', ebe o boloka plantere ka hara moaho.
Kgina plantere, mme mabidi a yona a se hata fatshe kapa folurung.
<fn>PulaImvula. MaintenanceMaize.2008-12.st.txt</fn>
Tlhokomelo e nepahetseng le mekgwa ya ho boloka setorong ha di hlophisetse feela ditokisetso tse eteletseng pele sehla, empa di boetse di ntlafatsa tshebetso ya sefafatsi ha di bile di eketsa dilemo bophelong bo itseng tjha.
Ho pepeseha ha nako e telele dibolayakokwanyaneng tse ngata tse fetang setshelong sa sefafatsi ho baka mafome le ho senya dikarolo tsa sefafatsi, ferefe le dikgokahanyo tsa motlakase. Masalla dihlahisweng tsena a ka nna a ba kotsi ho mang kapa mang ya sebetsanang kapa ya leng haufi le motjhine. Hape, masalla a dibolayakokwanyana a tshwasehileng ka hara dikarolo tsa sefafatsi a ka nna a senya dijothollo haeba a ka fetela sehleng se hlahlamang sa ho fafatsa.
Boipaballo ba hao ka seqo le ba ba lelapa la hao, basebeletsi ba hao le dijothollo tsa hao, ke mohlodi wa bohlokwa wa ho hlwekisa ka hohlehohle le ho tlosa tjhefo sefafatsing sa hao nakong ya sehla. Hopola hore boholo ba dikhemikhale tse sebediswang temong bo kotsi dimeleng le/kapa diphoofolong, mme ka hoo, ho tshwanetse ho etswa ka tlhoko ho utlwisisa dikotsi tse amehang le ho laola maemo hantle ka moo ho kgonahalang ka teng.
Tlhokomelo le poloko e phethahetseng e fupere mehato e mehlano.
Pele o qala ka ho hlwekisa sefafatsi sa hao, etsa bonnete hore o shebisisa hape leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng.
Hlakisa Sesebediswa sa hao sa Boitshireletso (Personal Protective Equipment) seo o se hlokang ho hlwekisa sefafatsi sa hao ka mokgwa o seng kotsi.
Sepheo sa ho pudutsa ke ho tlosa dibaka tse pakellaneng kapa tse kgolo tsa sesebediswa tse ka nnang tsa eba teng ka hara kapa hodima sefafatsi. Ho hlwekisa sesebediswa sa sefafatsi ho kenyeletsa ho potolohisa metsi ka hara sesebediswa, ebe se behwa sebakeng se boletsweng lethathamong la sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng (ka mantswe a mang, ke ho fafatsa metsi/motswako o kopantsweng le metsi, o bitswang jwale 'rinsate' kapa 'sepudutsi), le ho beha hona sebakeng se tshireletsehileng).
E le ho nnetefatsa hore o fela o hlwekisa tanka hammoho le dipeipi le melongwana ya sefafatsi, tlatsa halofo ya tanka ka metsi, ebe o nka terekere, o e kganna sebakanyana tseleng ya moo mapolasing - ho qhomaqhoma tseleng ho tla tsukutla metsi le no etsa bonnete hore metsi a thulana ka hara dikarolo tsohle tsa tanka. Ho pudutsa ka makgetlo ho sebediswa volumo e nyane (ho fihla ho 10% ya boholo ba tanka) ho molemo ho feta ho tshela tanka hanngwe feela ka metsi a hlwekileng. Kgothaletso ke hore ho phetaphetwe tshebetso ena ya ho pudutsa bonyane makgetlo a mararo.
Kgetha sebaka moo sepudutsi se ke keng sa silafatsa phepelo ya metsi, matsha, dijothollo kapa dimela tse ding, le moo ho ke keng ha eba metsi a bokellanang teng, mme a baka kotsi bathong, diphoofolong le tikolohong. O ka nna wa se fafatsa dintshing tsa masimo kapa tseleng ya mapolasing.
Etsa bonnete hore o ntsha metsi a tanka ya sefafatsi ka mokgwa o kgemang mmoho le leibole ya sebolayakokwanyana. Se ke wa bula di-valve feela tjena, mme wa a dumella ho tsholohela fatshe. Eketsa ka melongwana e meholwanyane ya volumo e kgolwanyane mabapi le ho ntsha sepudutsi se potlakang le se molaong. Bokantle ba sefafatsi bo tshwanetse ho hlatsuwa. Hape, ha o pudutsa sefafatsi, se ke wa etsa hore ho be teng matshanyana a emeng a metsi a ka nnang a fihlellwa ke bana, diphoofotswana, mehlape kapa mello e hlaha.
Ho lahla le ho ntsha sepudutsi sa sebolayakokwanyana ho ya ka ditaelo tsa leibole, sebedisa sepudutsi sebakeng seo ho sona disebediswa di ilo sebediswa ho sona (hape, dintshing tsa masimo moo khemikhale e ileng ya fafatswa teng ke sebaka se loketseng). Pheta tshebetso ena ya ho ntsha hoba o tlose kgahlamelo/tjhefo le ho pudutsa sefafatsi hape. Etsa bonnete hore o boetse o ntsha metsi afe kapa afe a hlwekileng, pudutsa ditanka pele o ilo di beha setorong ho qoba tshenyo e ka bakwang ke metsi a ka iketsang leqhwa ka hare.
Ka mora ho pudutsa ha ho qetela o ka hlahloba sefafatsi sa hao le ho etsa ditokiso tse hlokahalang le diphetoho. Le hoja sefafatsi se hlwekisitswe, ka mehla o no sebedisa sesebediswa se tshireletsang. Masalla a mang a ka nna a ba teng ka hara kapa hodima sefafatsi.
Popeho ya sefafatsi se sephara (boom), ho hlwaya ho petsoha ho tlamehileng ho lokiswa.
Ka ha sefafatsi se hlwekisitswe jwale, o ka nna wa batla ho tlosa dikarolo tsa sona tse senyehileng nakong ya ho bolokwa setorong.
Tlosa disefe, mme o di hlatswa ka letsoho ka metsi a sesepa (hopola ho rwala dihansekune tse thibelang dikhemikhale), di pudutse, o di behe kapa o di kgutlisetse sefafatsing.
Hlahloba melongwana hantle, mebele ya melongwana le tsona di-valve. Masalla a dikhemikhale a ka nna a ba teng dikarolong tsena, mme a thatafala nakong ya mariha, mme a fokodisa haholo tshebetso ya sefafatsi sehleng se hlahlamang.
Tlosa dikarolwana tse dintlheng tsa melongwana, ditshireletsi (screens), hlahloba di-valve, dikwahelwana le mebele ya melongwana moo e kopantsweng teng. Kenya dikarolo tsena ka nepo.
Hlwekisa le ho pudutsa dintlha tse qetellong ya melongwana, mebele ya melongwana le ho hlahloba di-valve. Boloka setshelong se tshwailweng. Boloka, mme o hlahlobe di-valve themphereitjhareng ya kamore nakong ya mariha ho qoba tshenyo e ka bakwang ke dithemphereitjhara tsa leqhwa.
Tlosa di-gauge tsohle tsa kgatello (pressure) le masoba kaofela a dikwahelwana sefafatsing. Beha di-gauge moo di ke keng tsa tshwenngwa ke ho hwama kapa tshenyo ya letho.
Qetellong, tsamaisa antifreeze hohle ka hara sefafatsi le ka hara dikarolo tse ding tse kang di-booms, di-valve, manifold, dimithara tsa ho phalla ha metsi le dipeipi tse kgutlisang metsi. Dumella antifreeze ho tsamaya ka hara dipeipi tsa di-manifold. Sena se tla tlotsa bokahare ho thibela ho omella le ho peperana. Ho rwesa melongwana dikwahelana ho tla thusa ho tshwara antifreeze ka hara sefafatsi, empa o tla tshwanela ho bula molongwana o le mong kapa e mmedi ho dumella antifreeze ho matha ka hara boom (e ntshang metsi). Kwala melongwana eo ha antifreeze e se e kenelletse hohle ka hara sefafatsi.
Sepheo ka ho boloka setorong ke hore antifreeze e sutuletse kantle masalla a metsi a ka nnang a ba ka hara sefafatsi le ho tlotsa dikarolo tsohle tsa sona. Dumella antifreeze ho dula ka hara pompo le di-valve ho thibela mafome le tshenyo e ka bakwang ke moya o leswe o tshwasitsweng ka hara sefafatsi. Ka ha basebedisi ba bang ba tlosa pompo pele ba ilo boloka setorong, ho kenngwa ha di-valve tsa 'shut-off' ka mahlakoreng a pompo ho ka potlakisa tshebetso ena.
Mabapi le makoloi a boithapollo (RV) antifreeze e sebedisetswa hangata ho boloka difafatsi tsa temo. Kgahlanong le antifreeze ya makoloi a dimotorokara, e batla e se tjhefo diphoofolong. Ha bongata ba dihlahiswa tsa antifreeze ya RV bo hwama tlasa maemo a phahameng haholo a serame, ena ha e hwame. Ho sa tsotellehe, ka mehla bala leibole ya antifreeze ho etsa bonnete hore e tla sebetsa tlasa maemo a hao a mariha.
Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe mabapi le tjhefo le mathata a amanang le mariha, se loketse ho bolokwa. Ho totobetse jwale hore ho bolokwa ka hara moaho, hole le bohlaswa bo ka bang teng, ke hona ho loketseng. Empa setsha sefe kapa sefe se ka moahong, seo o ka ikgethelang sona, se tshwanetse ho ba hole le diphalli (liquids) le manyolo a ommeng. Lerole le masalla a dihlahiswa tsena ke tse ka senyang ferefe le ditshepe tseo sefafatsi se entsweng ka tsona.
Haeba o sa batle ho sebedisa mokgwa wa antifreeze mabapi le ho boloka, ke tlwaelo e ntle ho tlosa pompo ya sefafatsi le ho e boloka ka thoko ho fihlela sehleng se tlang. Hangata, metsi a salla ka hara pompo, mme nakong ya dikgwedi tsa mariha, metsi a ka hara pompo a a hwama, ebe moo a peperanyang pompo - a etsa hore e se be le molemo wa letho.
<fn>PulaImvula. MaintenanceOpot.2008-10.st.txt</fn>
Tlhokomelo ka tokiso le oli plantereng ya row-crop e ka bolela phapang pakeng tsa sejothollo se ka bang le phaello le se ka bang le tahlehelo e phahameng. Kgetho, ho behwa, ho kupetswa le ho tiya ha peo ke ditshebetso tse hlokolosi haholo tlhahisong ya dijothollo. Ha eba plantere e sa sebetse hantle ka baka la tlhokomelo e fokolang, eba he sephetho se tla ba teng ke se tla fapana le kuno e lebelletsweng.
Plantere e lemang pakeng tsa dimela (row-crop) ke sesebediswa se sebetsang ka nepahalo e kgolo, mme jwalo ka motjhine ofe le ofe o jwalo e hloka tlhokomelo e kgolo haholo. A ke re shebe hore na tsena di kenyeleditse eng.
Hlwekisa plantere ka hohlehohle.
Hlokomela hore ha ho tshitiso ya letho dikarolwaneng tsa plantere tse ka sitisang tshebetso e phethahetseng ya plantere.
Hlahloba motjhine hantle mabapi le dikarolo (parts) tse seng di fedile/hohlehile; di lokise kapa kenya tse ntjha.
Hlahloba blower kapa sefehlamoya (fan) diplantereng tsa moya; hlahloba direkere tse thibang oli (seals), haholoholo disking kapa karolong ya drum.
Hlahloba dikarolo tse ka tlase tsa hopper (moo peo e tswang le teng) ya mofuta wa poleiti.
Ntjhafatsa dikarolo tse bonahalang di fedile, jwalo ka cut-off pawl, knock-out pawl, springs, le poleiti e ka tlase ya hopper. Hammoho le karolo e nngwe le e nngwe e bontshang ho kgathala.
Hlahloba diboutu kaofela hore na di sa tiile hantle; hape hlahloba moo dipeipi tsa rabara di kopanang teng hore na ho tiile na, hammoho le di-gaskete karolong e jereng manyolo a metsi.
Ha eba e le manyolo a ommeng, sheba hore na dikarolo tsa sebolayalehola le sebolayakokwanyana di ile tsa fumantshwa oli na nakong eo plantere e neng e ilo bolokwa setorong. Hlakola tsohle, di ome.
Nakong ya sehla sa ho jala, boloka plantere ka setorong kapa e kupetse ka ho hong ho thibela keketseho ya mongobo, haholo ho di-hoppers.
Tlotsa plantere ka oli ho ya ka dinako tse kgothaleditsweng bukaneng ya mosebedisi.
Sebedisa mofuta o nepahetseng wa oli.
Ho thibela ditshila ho kena ka hara di-bearing, itlwaetse ho hlakola ditshepe tsa hao pele o sebedisa oli.
Qhala mabokose a manyolo, sebolayalehola le sebolayakokwanyana hammoho le dikarolwana tse ka tlase tsa hopper ya peo ho thibela mafome le ho senyeha.
Hlahloba dikarolwana tse hohlehileng le tse robehileng pele ho nako ya sehla se hlahlamang sa ho jala.
Tlotsa ka oli bokantle ba dibuladiforo (furrow openers) diphuthelo tsa dithipa kapa di-disc, hammoho le dikarolo dife kapa dife tse 'phatsimang' ho thibela mafome.
Tlotsa di-bearing kaofela ka oli.
Beha (notlela) di-markers, mme o di behe boemong ba transport position, mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina mabidi a plantere hore a se ame karolo e fatshe ya mobu kapa foluru.
TLHOKOMEDISO: O se ke wa boloka plantere setorong kgatello ya oli (hydraulic pressure) e le silindareng e hole (remote cylinder). Ho lokolla kgatello ya oli, tima enjine ya terekere, mme o ise levers tsa hydraulic pele le morao makgetlo a mangata. Ebe o lokolla dipeipi tsa hydraulic le ho tlosa silindare ha eba o rata jwalo.
Dibukana tsa tataiso tsa tshebetso ya plantere le terekere di kenyeletsa dikeletso tse ikgethileng tsa boipaballo. Mona re tla hlwaya feela dintlha tse seng kae tse akaretsang.
Itlwaetse ka mehla ho theosetsa plantere fatshe nakong eo e sa sebetseng ka yona. Neng kapa neng ha ho kgonahala, phetha mosebetsi wa 'service' le ho fetola se tlanngweng (adjustment) plantere e ntse e eme fatshe.
Etsa bonnete ba ho sebedisa jack kapa maboloko nakong eo o sebetsang ka tlasa plantere ho thibela ho wa ha plantere.
Dumella motho a le mong feela, mosebedisi, hodima terekere nakong eo terekere le plantere di sebetsang ka yona.
Ho hlwekisa, ho tlotsa ka oli kapa ho tlama/tlamolla motjhine o ntseng o le tshebetsong ho ka o bakela kotsi e mpe haholo. Ho tsamaya kapa ho ema le ha e le sebakeng se mopetetsane nakong eo plantere e ntseng e sebetsa ho ka nna ha etsa hore motho a wele fatshe.
Tshwara dikhemikhale tsa temo o apere diaparo tse nepahetseng tsa ho itshireletsa. Kgetho e fosahetseng kapa e sa nepahalang kapa tshebediso e fosahetseng e ka baka ho lemala ha batho, diphoofolo, dimela, mebu kapa thepa e nngwe. Latela ditaelo tsa moetsi wa dikhemikhale.
<fn>PulaImvula. Management(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Na o hlokometse diphoofolo tsa hao ka tshwanelo Kapa makgulo a hao a bontsha hore o fudisa ho feta tekano Na o kgotsofalla ho sheba dijothollo tsa hao tse atlehileng Ka mora kotulo na o kile wa etela masimo a hao?
Ke sefe se etsang hore molemi e mong a atlehe ho feta e mong Ena taba re ka e tshohla letsatsi la ba la dikela. Le ha ho le jwalo, qetellong mabaka kaofela a supa nthong e le nngwe, boleng ba tsamaiso, mme ha re etla kgwebong ya polasi, taba e nngwe qha, ke tsamaiso ya polasi?
Ditlhaloso tse ngata tsa tsamaiso ya temo di teng, empa kaofela ha tsona di akaretsa taba e le nngwe, e leng "mosebetsi o tswileng matsoho kapa ho kopanngwa ha mehlodi kaofela, ya batho le dintho tse ding, ho fihlella sepheo sa kgwebo ya temo".
Le hoja ho tadimeha eka ke taba ya maikutlo feela, ba bang ba tla bua jwalo, empa a re keng re shebisiseng tlhaloso ena ka ho qala ka sepheo kapa morero wa kgwebo ena ya temo. E mong a ka nna a re taba ya sehlooho temong ke ho etsa phaello, mme ka hoo, phaello ke taba e tsitsitseng. E, ke nnete, ho teng tse habilweng, tse kang ho ntlafatsa boemo ba bophelo, ho hlahisa dihlahiswa tseo bareki ba di batlang. Le ha ho le jwalo, dintho tsohle tseo motho a ka buang ka tsona, nnete ya taba ke hore qetellong phaello e tshwanetse ho etswa. Le hoja e se sona sepheo, balemi ba bangata ba ikgethela ho itulela jwalo le ho tsamaisa kgwebo ya bona ya temo ka baka la mokgwa o motle wa bophelo. Ha phaello e sa etswe, le bona bophelo boo bo botle ha bo sa le botle hakaalo. Ho ya ka puo ya tjhelete, sepheo se ka bolelwa e le phaello e ntle matseteng, empa he, ho nolofatsa ditaba, a re keng re shebe taba ya ho etsa phaello. Ka mokgwa o bonolo, phaello (P) e fumanwa ka ho tlosa tjhelete ya ditshenyehelo (E) tjheleteng e keneng (I). (P = I - E kapa I - E = P).
Mehlodi ya batho le ya tse ding tse boletsweng tlhalosong, e boetse e bolelwa e le dintlha tse amanang le tlhahiso, e leng tsamaiso, mosebetsi, naha le tjhelete. Ha re bua ka mosebetsi, re bua ka basebeletsi. Naha e emetse mobu (masimo), dimela (makgulo a jwang, metsi). Tjhelete ke lentswe le bolelang tjhelete le maruo a mang a tsitsitseng a kang meaho, terata , masaka, maphephe (ditoro), jwalojwalo, le tse tsamayang, jwalo ka makoloi, disebediswa tsa temo, diterekere, mehlape e tswalang, le tse sebediswang mobung, hammoho le tse ding.
Moralo ke se tshwanetseng ho etswa, ho etswa jwang, le ho etswa neng.
Tlhophiso ke hore ke mang ya tla etsa eng, neng le hore hokae (kabo ya mehlodi).
Ho kenya tshebetsong ke ho etsa se rerilweng le ho se hlophisa.
Taolo ke ho bapisa se ileng sa etswa (hantle kapa e seng hantle hakaalo) le se neng se rerilwe le ho hlophiswa, le ho batla moo ho ileng ha kgelohuwa teng hore ho ntlafatswe dintho ka moso.
Ka nako e le nngwe, ha ho ntse ho kenngwa tshebetsong o mong le o mong wa mesebetsi e mene ya tsamaiso, molemi/manejara o tlamehile ho ba moetapele, mme o tshwanetse ho etsa diqeto, a ikamahanye le ba ka hare le ba ka ntle, a rolele mesebetsi mahetleng a batho, a hokahanye mafapha, a kenye tsheseho bathong, mme a hlokomele hore boitshwaro bo dula bo le teng ekaba ka tsela e otlolohileng kapa e sa otlolohang.
Ho feta mona, ke ho ba boemong ba ho etsa phaello ka mokgwa o tsitsitseng le ho fihlella sepheo ho seo temo e tshwanetseng ho se hlahisa. Kgwebo ya temo e tshwanetse ho hlahisa sehlahiswa se tla kgona ho rekiswa - se tshwanetse ho kgotsofatsa ditlhoko tsa moreki. Ka kakaretso tsena e ka ba dijo, tshwele, patsi kapa diphoofolo. Mantswe ana, "ditlhoko" a kenyelletsa dintlha tse kang boleng le bongata ba sehlahiswa, nako e itseng ya ho fumanwa ha sona le/kapa ho tshepahala tsamaisong ya sehlahiswa, ho iswa ha sona hokae, le ho pakelwa/phuthelwa ha sona.
Ho ya ka formula ya tjhelete e kenang - e tswang = phaello/tahlehelo, ho bohlokwa ho hopola tsohle tseo re di etsang kapa tseo ka nako tse ding re sa di etseng, tseo re ka beng re di entse, ho ya ka kgwebo ya rona. Qetellong tsena tsohle di hlahella formuleng ya rona. E kenang e ka ba ngata kapa ya fokotseha, mme ho jwalo le ka ditshenyehelo. Ana re ke re nahane ka difounu tseo re di etsang Na difounu kaofela di bohlokwa Na re ke re nahane ka maeto a ho ya toropong Na re fepa mehlape ya rona ka dijo tsa tlatsetso ha ho hlokahala Na diterekere le disebediswa tsa temo di fumana "service" le ho dula di hlokometswe ka mehla?
Ho ya ka puisano ya rona, tsamaiso ya temo e ka hlaloswa e le ho rala, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola basebeletsi, masimo a hao hammoho le maruo ohle a tsitsitseng (a sa tsamayeng) le ona a sa tsitsang, a kenyelleditseng tse kenngwang mobung. Tsena tsohle re di etsa ka ho hlokomela tse kenngwang mobung ka ho nka boetapele ba rona, ho nka diqeto, ho buisana, ho arolela ba bang boikarabelo ba mosebetsi, ho hokahana, ho kenya tjheseho le mafolofolo, le boitiso, sepheo e le ho hlahisa dihlahiswa tse batlwang ke bareki, mme sena se etswa ka phaello.
Dipotso qalong ya ditaba tsena di ka boela tsa behwa ka mokgwa o mong ka ho botsa; na o a rala, o a hlophisa, o kenya tshebetsong le ho laola hore o kgone ho hlokomela mehlape ya hao ka nepo Na o a rala, o a hlophisa, o kenya tshebetsong le ho laola ka nepo mekgwa ya hao ya ho fudisa Na tlhahiso ya dijothollo tsa hao na o a e rala, o a e hlophisa, o e kenya tshebetsong le ho e laola ka nepo, ho kenyelleditswe, mohlala, ntlha tse kang tlhophollo ya mobu?
Mesebetsi e mene ya tsamaiso e ka boela ya tadingwa e le mabidi a koloi kapa a terekere. Lebidi ka leng le tshwanetse ho tlatswa moya ka nepo hore koloi/terekere e kgone ho ya pele hantle. Haeba le leng la mabidi le sa tlatswa moya hantle, kapa le putlame fatshe, koloi e tla nne e kgone ho tsamaya, empa e tla tsamaya ha boima, mme nengneng tshenyo e tla ba teng hoo qetellong koloi e tla ema ho hang. Ho jwalo le kgwebong. Ha o mong wa mesebetsi ya tsamaiso o sa tswele pele hantle, kgwebo ya hao e tla nne e etse phaello, empa ha mmila o ntse o puta, e ka ba dilemo tse hlano kapa tse leshome kapa ho feta, kgwebo ya hao e tla putlama qetellong. Hona ke phephetso nakong e tlang; ha tsamaiso ya hao e sa ntlafale selemo le selemo, qetellong kgwebo ya hao e tla ema kgekgenene hobane ha ho sa le phaello e etswang. Motho a ke ke a nna a etsa ntho e le nngwe selemo le selemo; o tlamehile ho tswela pele ka ho eketsa phaello ya hae le/kapa ho laola ditshenyehelo tsa hae.
Tjhelete e kenang e ka eketswa, mohlala, ka ditheko tse phahameng le/kapa tlhahiso e phahameng yunite ka nngwe (poone - ditone/hekthara) le/kapa meralo e ntlafaditsweng ya tlhahiso (temo ka nepo) le/kapa tlhahiso e eketsehileng le/kapa ho fetoha ha mosebetsi le/kapa ho arola dintho.
Ditshenyehelo di ka fokotswa, mohlala, ka ho tsitlallela ditheko tsa tlase tsa tse kenngwang mobung le/kapa ka meralo e ntlafaditsweng ya tlhahiso le/kapa ka ho fokotsa ditshenyehelo, ka ho fokotsa basebeletsi le/kapa ka ho laola ditshenyehelo ka ho kenya ditekanyetso le/kapa tlhahiso e phahameng.
Tsamaiso ka kakaretso (dintlha tse kang bophelo bo botle le boipaballo, taolo ya mollo le boipaballo polasing).
Le hoja dintlha di bolelwa di arohane, nnete ke hore di a amana, mme nakong eo o tshwarahaneng le mosebetsi wa tsamaiso (moralo kapa ho hlophisa kapa ho kenya tshebetsong kapa ho laola) ntlheng e itseng, o tla elellwa hore o boetse o tshwarahane le o mong kapa e meng e itseng. Mohlala, nakong eo o tshwarahaneng le Tsamaiso ya tlhahiso, o tla iphumana o bile o tshwarahane le Tsamaiso ditjheleteng le Tsamaiso ho tse rekwang le Tsamaiso mehloding ya batho. Ena ke phephetso mosebetsing wa temo.
Le ha ho le jwalo, e boetse ke nnete hore motho o sitwa ho tsamaisa ha a sa tsebe letho la tse etsahalang ka hare le ka ntle. Ditaba di tshwanetse ho bokellwa ka hohle ka moo ho kgonahalang ka teng, mme e ka ba ka ho bala, ho mamela, ho hlokomela dintho le ho rekota. Bohle re tshwanetse ho tseba polelo e reng, ha o sa tsebe ho lekanya (measure), o sitwa ho tsamaisa. Ha o sa tsebe hore peresente ya ho tswalwa ha manamane a kgomo tsa hao ke 60% feela, o tla ba le tsamaiso efe ho ntlafatsa peresente ya hao ya manamane Ka hoo, o simolla ka ho rekota, mme ebe moo o bokellang tsebo ya hore hobaneng ha peresente ya ho tswalwa ha manamane a hao e le tlase, le hore e ka ntlafatswa jwang hore bothata bo rarollwe. Nnete ena e sa ntse e sebetsa le kunong ya dijothollo tsa hao, tlhahisong ya lebese, ya boya, sekgahla sa ditsuonyana tse hlahiswang, eng kapa eng?
Qetellong, rona jwalo ka bomanejara ba temo re tshwanetse ho hopola hore ke karolo ya boikarabelo ba rona ho hopola paballeho ya tikoloho nakong eo re tsamaisang dikgwebo tsa rona. Mona re tshwanetse ho sebedisa mekgwa e metle ya temo.
<fn>PulaImvula. ManagementMaize.2009-06.st.txt</fn>
Jwalo ka ha re tseba kaofela, bolemi ke kgwebo, mme ha eba o tshwanetse ho ba molemi ya hwebang, ho teng dintlha tseo o tlamehang ho di hopola hore kgwebo ya hao e atlehe.
Sepheo sa sehlooho ke ho etsa le ho dula o etsa phaello.
Tshohle tse etswang polasing di ama tjhelete e kenang. E keneng - E tswileng = Phaello/Tahlehelo.
Dikgothaletso di a etswa: se ka nnang/tshwanetseng ho etswa le/kapa ke sefe se hlokahalang ka molao mabapi le tsamaiso ya dibaka tsohle tsa tsamaiso polasing. Ebang dikgothaletso di a latelwa kapa tjhe, e tla ba boikarabelo ba mohlahisi/molemi/manejara ka mong.
Ditaba - tse tswang ka ntle/tse hlahang ka hare (direkoto) di bohlokwa haholo.
Kgwebo ya molemi Afrika Borwa ke karolo ya lefatshe lohle (global village), mme ka hoo, e angwa ke se etsahalang lefatsheng lohle.
Polasi e tadingwa e le system e phethahetseng, mme karolo ka nngwe e ama tse ding. Ka mantswe a mang, katamelo tsamaisong ya kgwebo ke katamelo e phethahetseng.
Hangata o se o kile wa utlwa tse latelang: "Hobaneng balemi ba lebatowa le itseng ba tswela pele ho feta ba bang ba lona lebatowa leo tlasa maemo a tshwanang, kapa hobaneng ha ba bang ba balemi ba kgona ho feta maemong a boima ha baahisani ba bona ba fediswa tu ke mathata a ntseng a tshwana" Karabo ke hore balemi ba bang ba kganna kgwebo ya bona hantle ho feta ba bang. Empa tsamaiso ke eng, kapa tabeng ena, tsamaiso ya polasi ke eng?
Tsamaiso ya polasi e ka hlaloswa e le ho nka diqeto tse nepahetseng (tse kgannwang ke sepheo) ka ho fetisisa mabapi le mehlodi ya batho hammoho le mehlodi kaofela e bonwang ho fihlella sepheo sa kgwebo e itseng.
Hore o kgone ho tsamaisa kgwebo ho ya ka tlhaloso ho bolela hore mohlahisi o tshwanetse ka mokgwa o hlwahlwa ho sebedisa dintlha tse nne tsa tsamaiso, e leng ho rera, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola. Le hoja ho kgonahala ho bona phapang pakeng tsa mesebetsi ena e mene, mosebetsi wa tsamaiso ke mosebetsi o dulang o tswela pele. Ka hara mosebetsi wa tsamaiso mohlahisi o tshwanetse ho kenya tshebetsong mesebetsi e mengata ya tsamaiso, e kang ho etsa diqeto, puisano, ho kenya tjheseho, ho nyalanya dintho, ho sebedisa tayo, ho fa batho mesebetsi e lokelang ho phethwa ekasitana le ho etella pele.
Tsamaiso polasing e hlaloswa e le sepheo se shebaneng le ho etsa diqeto.
Tsebo ka polasi eo a e tsamaisang.
Tsamaiso ka kakaretso - bophelo bo botle le paballeho; taolo ya mello, boshodu le paballeho polasing.
Hore na o ka ntlafatsa jwang e nngwe le e nngwe ya dibaka tsena, ho eketsa le ho hlokomela hore phaello e dula e le teng, ke dintlha tse tla tshohlwa ho Pula Imvula dikgweding tse tlang. Ditlhahiso le/kapa dikgothaletso tse tla ba molemo keketsehong le ho duleng ha phaello e le hodimo, ke tse tla etswa mabapi le sebaka se seng le se seng sa tsamaiso. Ho tla be ho bontshwe hanyane se hlokwang lehlakoreng la molao. Le ha ho le jwalo, kgetho e tla ba ya mohlahisi/manejara ka mong hore na o a di sebedisa na. Ha ho motho ya qobellwang. Ho ya ka se hlokwang ke molao, ha eba di sa sebediswe, mohlahisi/manejara ke yena ya tla jara boikarabelo mabapi le qeto ya hae.
<fn>PulaImvula. ManagingMaize.2009-04.st.txt</fn>
Byline: F.B. Peairs, Setsebi sa Katoloso le moprofesara wa Yunibesithi ya Mmuso ya Colorado, disaense tsa tse phelang mobung le taolo ya dikokwanyana.
Create a Fact Box: Quick Facts...
Bacillus thuringiensis (Bt) ke baktheria ya mobu e hlahisang tjhefo ya dikokwanyana.
Genes (Dijine e leng dikarolwana tsa sele e phelang) di ka kenngwa ka hara dimela tsa dijothollo ho etsa hore di kgone ho hlahisa tjhefo e bolayang dikokwanyana, mme ka hoo di kgone ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng.
Mabasetere a poone a nang le dijine tsa Bt (poone ya Bt) a kgona ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng tsa bohlokwa.
Mabasetere a poone ya Bt a na le tshebetso e matla, mme ke mokgwa o baballang ditshenyehelo o ka sebediswang bakeng sa mekgwa ya sejwalejwale ya ho bolaya dikokwanyana ha eba twantsho ya dikokwanyana e sa ntse e le maemong a bonahalang e le a ka baballang ditshenyehelo.
Theknoloji e ntjha e re dumella ho ntlafatsa mefuta ya dijothollo ka ho eketsa dijine tse tswang mefuteng e meng. Sena se molemo hobane re ka fetola ditlwaelo, jwalo ka thibelo tlhaselong ya dikokwanyana, eo ka nako e nngwe ho fumanehang hore ha e yo mofuteng wa sejothollo, kapa eo ho ka etsahalang hore e be boima hore e ka fetiswa ka hara mefuta ya dijothollo ka ho sebedisa mekgwa ya seholoholo ya ho hlahisa dimela.
Tshebediso e nngwe e atlehileng ya theknoloji ena e ntjha ke ntshetsopele ya mabasetere a poone a leng kgahlanong le tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng ka baka la ho kenngwa ha jine e tswang ho dibaktheria tsa tlhaho tsa mobu. Mabasetere a jwalo a bitswa mabasetere a "fetisang dijine" le hoja e se mabasetere kaofela a fetisang dijine a nang le tlwaelo ya ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana.
Le hoja mabasetere ana a poone a fetisang dijine tse kgahlanong le dikokwanyana a le hlwahlwa taolong ya dikokwanyana, tshebediso ya ona e bakile dipelaelo. Lethathama le latelang la dipotso le dikarabo le fana ka tjhebokakaretso ya mabasetere ana a poone a thibelang tlhaselo ya dikokwanyana, hammoho le tshebediso ya ona taolong ya dikokwanyana.
Bt ke eng?
Ke kgutsufatso ya baktheria e fumanwang mobung o tlwaelehileng e bitswang Bacillus thuringiensis. Bt e boetse e supa dihlahiswa tsa dibolayakokwanyana tse etswang ka dibaktheria tsena.
Bt e na le taba efe le dikokwanyana tsena tse tshwenyang?
Mefuta e meng ya Bt e bolaya dikokwanyana ka tjhefo e bitswang sebolayakokwanyana sa crystal protein kapa delta endotoxins. Mefuta ena e tadingwa e se kotsi bathong le mefuteng e mengata eo e seng ya dikokwanyana.
Poone ya Bt (Bt maize) ke eng?
Tlhahiso ya delta endotoxins e laolwa ke jine e le nngwe ya baktheria. Mefuta e ntlafaditsweng ya dijine tsena e ka nna ya kenngwa dimeleng tsa poone. Dimela tsa poone tse nang le jine ena di ka hlahisa delta endotoxin, mme ka baka lena tsa eba tjhefo dikokwanyaneng tse hlaselang mofuta ona wa protheine.
Hobaneng ho sebediswa dijine tsa Bt pooneng?
Tjhefo ya delta endotoxin, e fafaditsweng dimeleng, e qhibidiha kapele ha e pepeseditswe kganyeng ya UV (Ultra violet). Tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang semeleng e tshireletswa kganyeng ya UV. Hape, dikokwanyana tse ngata tsa sehlooho tsa poone di boima, mme ditshenyehelo di phahame ho ka di laola ka mekgwa ya sejwalejwale ya ho bolaya dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, dikokwanyana tsena di hlolwa ke delta endotoxin e hlahang dimeleng. Tabakgolo ke hore, biotheknoloji, ho kenya tjhefo e hlahisang dijene tsa Bt pooneng, ke ntho e leng teng.
Na semela sohle sa poone ya Bt se tjhefo?
Ho ya feela ka maemo. Ke ntlha tse pedi, ketsahalo (event) le sekgothaletsi (promoter), tse laolang moo delta endotoxin e hlahiswang teng semeleng, le hore ho hlahiswa e bongata bo bokae. Dikhamphani tse fapaneng tsa dipeo di sebedisa diketsahalo tse fapaneng le dikgothaletsi, mme ka hoo, mabasetere a tsona a tla fapana ho ya ka tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang ke dimela.
Ketsahalo ya ho kenya e bolela ho kenngwa ha jine ya Bt mmeleng wa semela sa poone. Mona ke moo ho kenngwa ha jine ya Bt (sebaka) ho laolwang (ke chromosome efe, ke karolo efe ya chromosome, jwalojwalo). Karolo kapa sebaka seo jine e leng ho sona se laola karolo semeleng moo tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang ho sona, le hore ke e bongata bo bokae e hlahiswang. Hajwale ha re na theknoloji e laolang tulo/sebaka sa jine ya Bt, mme ka hoo, ketsahalo ka nngwe e qetella ka dimela tse fapanang mabapi le hore delta endotoxin e hlahiswa hokae, le hore ho hlahiswa e bongata bo bokae.
Sekgothaletsi ke sefetoledi sa tlhaho se bolellang jine e kentsweng ya Bt hore e hlahise tjhefo ya delta endotoxin neng le hona kae. Dikgothaletsi tse ngata tse fapaneng di a fumaneha, mme kgetho ya sekgothaletsi e boetse e ama taba ya hore tjhefo ya delta endotoxin ho hlahiswa e bongata bo bokae le hore e hlahiswa hokae semeleng sa poone, e leng se kgannelang phapanong hara mabasetere.
Ke mefuta e mekae e teng ya poone ya Bt?
Ho teng mefuta e mengata e fapaneng ya mabasetere a poone ya Bt, mme e meng e ka nna ya ba le bokgoni ba ho thibela sesedi le ho senngwa ha metso.
Na mabasetere kaofela a poone ya Bt a tla fana ka boemo bo le bong ba taolo?
Mohato wa taolo ya dikokwanyana tse habilweng le ho nama ha taolo e fanwang ke lebasetere ke mosebetsi wa diketsahalo tseo le nang le tsona. Ho molemo ho bapisa taolo ya dikokwanyana ka ketsahalo ho ena le ka lebasetere. Kgetha mabasetere a tla sebetsa hantle lebatoweng la hao, mme o kope data (pokello ya dintlha) ya taolo ya dikokwanyana e kgemang mmoho le diketsahalo tseo mabasetere ana a nang le tsona.
Na poone ya Bt e tla sebetsa hantle lebatoweng la ka?
Matshwao a Bt ha a tshwanela ho ama tshebetso ya mabasetere. Ha eba mofuta wa sejwalejwale wa lebasetere o sebetsa hantle, mofuta wa Bt le ona o tshwanetse ho sebetsa hantle.
Na Bt ke lona letshwao feela leo ka tlhaho le kentsweng pooneng?
Mabasetere a mang a nang le matshwao a tlhaho a kentsweng, jwalo ka ho ba kgahlanong le dibolayalehola, a a fumaneha. Matshwao a mang a mangata a tswelopeleng, mme a tla fumaneha nakong e tlang.
Na poone ke sona feela sejothollo seo ka mokgwa wa tlhaho Bt e kentsweng ho sona?
Tjhe. Dijothollo tse ngata di se di ntlafaditswe mabapi le ho hlahisa tjhefo ya delta endotoxin. Le ha ho le jwalo, poone le khothone di nka boholo ba tshebetso kgwebong.
Na ho sa na le melemo e meng mabapi le ho sebedisa poone ya Bt bakeng sa sebolayakokwanyana ho laola sesedi pooneng?
Poone ya Bt e tla laola sesedi pooneng ntle le ho ama tse jang dikokwanyana hammoho le dikokwanyana tse nang le molemo. Sena se tshwanetse ho etsa hore tsamaiso mabapi le dikokwanyana tse kang dikgo e be bonolo, le hoja ho eso be teng pokello ya dintlha tsa bopaki bo seng bo entswe ho tiisa taba ena.
Na ho teng diphoso ha motho a sebedisa poone ya Bt papisong le mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ya sesedi pooneng?
Ho tla ba teng ditshenyehelo tsa tlatsetso peong ya poone ya Bt, ho sa tsotellehe hore ho na le tlhaselo ya sesedi e amanang le ikonomi. Mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ka dikhemikhale e o dumella ho ema le ho sheba ha eba tlhaselo e ntse e tswela pele pele o kena ditshenyehelong tsa taolo ya dikokwanyana. Hape, ho kgemeng mmoho le ditlhoko tsa sebaka sa diakere (sheba tlase mona) ho ka nna ha baka tharahano tshebetsong ya ho jala, ho kotula le taolong ya dikokwanyana.
Na nka jala poone ya Bt yaba ke lebala ka dikokwanyana le tse nyane?
Tjhe. Poone ya Bt e ke ke ya etsa hore o lebale ka hohlehohle ka dikokwanyana. Ho etsa patlisiso hammoho le tsamaiso di tla nne di hlokahale mabapi le tse ding tsa dikokwanyana.
Na ho teng mathata a mang a ka bakwang ke ho sebedisa poone ya Bt papisong le mekgwa e meng ya sejwalejwale ya taolo ya dikokwanyana?
Ho ka nna ha eba teng bothata ba mmaraka mabapi le poone ya Bt ha ho shejwa mebaraka ya matjhaba. Boemo ba mmaraka wa matjhaba bo fetoha ka potlako, ka hoo, ha ho kgonahale ho tseba ka moo melao e ka nnang ya fetoha ka teng pakeng tsa kgetho ya mabasetere le kotulo. Bona ke bothata bo atileng haholo diketsahalong tse ntjha tse amohetsweng.
Nka sebedisa poone ya Bt hokae tshebetsong ya ka?
Poone ya Bt e tshwanetse ho sebediswa feela moo kotsi ya tlhaselo ya dikokwanyana tse lwantshwang e phahameng teng.
Ke sefe se etswang ho thibela twantshano ya sesedi kgahlanong le poone ya Bt?
Bafuputsi ba yunibesithi, ba indasteri ya dipeo hammoho le EPA ba sebetsa mmoho ho kenya tshebetsong maano a hlwahlwa a ka kgonang ho etswa kapele taolong ya twantshano. A theilwe tshebedisong ya mekgwa ya methamo e phahameng (high dose) le ya mekgwa ya tshireletso.
Leano la diakere (acres) ke eng?
Ha sebaka sa diakere (refuge) tse itseng se jalwa ka mabasetere a se nang Bt, eba sesedi pooneng kapa diboko tse jang metsong tse tswang dibakeng tsena di tshabana le Bt. Di tla ikamahanya le tse setseng di phela, tse tswang pooneng ya Bt, mme di angwe ke dijine tsa palo yohle ya tsona.
<fn>PulaImvula. March(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Hlakubele ke nako e kgutsitseng tlhahisong ya poone, le hoja e le nako ya mosebetsi o matla ho molemi ya atlehileng. Ho molemi wa poone, sehla sa lehlabula sa tshebetso e kgolo se fetile, mme jwale ke nako ya ho kga moya lehlakoreng la poone.
Le ha ho le jwalo, balemi ba bangata ba atlehileng ba poone ba boetse ba ruile mehlape, e leng ho kenyang letsoho tshebedisong ya mehlodi yohle ya tlhaho le ho fokotsweng ha dikotsi tse amanang le bohwai ka dijothollo.
Ho teng dintlha tse ngata tsa bohlokwa tse amanang le bohwai bo nang le phaello ba dikgomo tsa nama, e leng mofuta o atileng haholo ka ho fetisisa wa bohwai ka mehlape o sebediswang ke balemi ba dijothollo. Dintlha tsena kaofela di amana haholo le boemo ba kgomo hammoho le hore e phetse hantle jwang.
Ho hodisa manamane hore a tle a tswale manamane nakong e tlang ke ntho e jang ditjeo tse phahameng hobane pele e tswala namane ya yona ya pele, ha ho tjhelete ya letho e kenang. Balemi ha ba dumellane bohle ka dilemo tseo kgomo e bang le namane ya yona ya pele, empa re ka re dilemo tsena di kaekae pakeng tsa tse pedi le tse tharo. Ha namane e sa ka ya fepuwa hantle, e tla ba nyane (bobebe) haholo hore e ka ima, mme sena se tla diehisa nako ya ho tswala namane ya yona ya pele. Nakong ya bophelo ba kgomo, sepheo ke ho ba le manamane matsatsing a mang le a mang a 365 (selemo le selemo kgweding e le nngwe). Ha kgomo e ntse e hola, mme e ba le namane, manamane a yona a ntse a fokotseha ka palo nakong ya ho tswala ha yona.
Kgomo e ka tadingwa e le mohlodi o hlahisang manamane. Nako ya ho ima ha kgomo ke dikgwedi tse robong, mme hangata e behwa ka thoko ho poho nako ya dikgwedi tse pedi hore e kgone ho phomola ha e ntse e hlahisa lebese la namane (e phelang feela ka lebese dibekeng tse mmalwa tsa pele tsa bophelo ba yona). Se lebelletsweng hantlentle ke hore kgomo ha e se e hodisitse namane e boele e ime hape nakong ya kgwedi tse tharo hore e kgone ho ba le namane kgweding yona eo selemo le selemo. Sena ke se lebelletsweng, e leng se fanang ka tlhahiso e phahameng ya kgomo ka selemo ntle le sekgahla se sebe bophelong bo botle (health) ba kgomo. Haeba kgomo e sa fepuwe hantle, e tla sitwa ho ima le ho tswala namane selemo le selemo.
Ha sekgahla sa ho ba le manamane se phahama, manamane a mangata a ba teng a ka rekiswang qetellong ya sehla. Hantlentle ho a kgonahala hore kgomo e nngwe le e nngwe e be le namane selemo le selemo. Nnete ke hore dintlha di ngata tse nang le tshwaetso bongateng ba manamane a hao, empa boemo ba kgomo ke e nngwe ya dintlha tsa sehlooho (dintlha tse ding di kenyelletsa bophelo bo botle ba mohlape, palo ya dipholo dikgomong, matla a dipholo a ho imisa, jwalojwalo). Dikgomo tse sa beng le manamane selemo le selemo ha di a tshwanela ho bolokwa mohlapeng - ke morwalo feela o se nang thuso, mme ha di kenye letsoho tlhahisong ya tjhelete polasing.
Namane e phetseng hantle e sa tswa tswalwa ke mokgwa o motle wa ho simolla, empa hore tjhelete e kene, namane ena e tlamehile ho fihla dilemong tsa ho kgweswa (ho tlohediswa letswele), mme ka mora moo e ka rekiswa. Namane e tlamehile ho tswalwa e le kgolo, e le matla, hore e kgone ho ema le ho nyanya mma yona hore e kgone ho hola ka potlako. Boemo ba monono wa lebese la mma yona ke ntho ya bohlokwa. Ha kgomo e le boemong bo botle, mme e fepuwa hantle, e kgona ho tswala le ho hodisa namane e phetseng hantle. Manamane a shwang a eso tlohele letswele ke tshenyehelo feela ho molemi. Matsapa ohle a tshwanetse ho nkuwa hore 100% ya manamane a tswalwang a kgweswe a ntse a feletse.
Manamane a mangata a tloswang letsweleng a rekiswa ho ya ka kilogram ya boima, mme ka hoo, ha a le boima, le yona tjhelete e kenang e tla ba hodimo. Boholo ba manamane bo amana le monono wa ona le wa bomma ona nakong ya selemo hammoho le ho mofuteng wa kgomo. Boholo ba namane e kgwesitsweng kgomong ka nngwe bo bolela hore tjhelete e kenang e tla ba e ngatanyana.
Jwalo ka ha ho hlalositswe, balemi ba bangata ba atlehileng ba dijothollo ke ba boetseng ba hweba ka mehlape - dikgomo (kapa mehlape) di sebedisa dithota tsa tlhaho, makgulo (a lenngweng mebung ya bokgoni bo tlase), hammoho le ditlhaka tsa poone. Ho ba sehwai se atlehileng sa mehlape ho amana haholo le bokgoni ba ho fepa diphoofolo ka dijo tse lekaneng, tsa boleng bo botle selemo kaofela. Nakong ya dikgwedi tsa lehlabula, balemi ba bangata ba itshetlehile ka dithota le makgulo ho fepa diphoofolo tsa bona, empa balemi ba sebele ke ba hlokometseng hore dijo di dule di le teng le nakong ya dikgwedi tsa serame, tsa komello, tsa mariha.
Qetellong ya lehlabula, balemi ba bangata ba jala dijo tse tala (hangata habore) pakeng tsa mela ya poone. Ha poone e kotutswe, dikgomo le dinku di dumellwa ho fula masimong moo di itjellang ditlhaka tsa poone, diqo tse weleng tsa poone, hammoho le dijo tse ding tse tala. Balemi ba bang ba jala seradella pakeng tsa poone. Hona ke mofuta wa monawa, o monate haholo, o nang le menontsha e mengata, o sa faneng feela ka makgulo a matle a boleng bo botle, empa o bopang nitrojene mobung, e leng e ka sebediswang ke sejothollo se hlahlamang. Hlakubele ke kgwedi e morao mabapi le ho jala habore le seradella, empa nako e sa ntse e le teng ya ho jala rogo. Hopola, le ha ho le jwalo, hore o se jale habore kaofela ka nako e le nngwe, ka ha e tla hola ka potlako, mme kaekae mohatong o itseng, o tla ba le furu e ngata ho feta tekano, e tla latelwa ke nako ya tlala eo ka yona ho tla haella dijo tse lekaneng. Habore ha e latswehe hamonate ha e sa ntse e le peong, ka ha ditetswana tse boya tsa yona di ngwapa molomo, dinko le mahlo a diphoofolo.
Haeba o jetse makgulo a eragrostis, Hlakubele ke nako e ntle ya ho qetella ho kuta. Boleng ba jwang (furu) bo ke ke ba eba botle hakaalo nakong ena ntle le haeba o kentse manyolo hantle, empa bonyane o tla ba le ditlheferetsi tseo o ka di sebedisang nakong ya dikgwedi tsa mariha. Hopola hore o ka etsa monyetla wa hore dikgomo di nyeke ho monatjana hore di kgone ho ja le ha ditlheferetsi e le tsa boleng bo tlase. Le ha ho le jwalo, ha o hloka ditlheferetsi, diphoofolo di tla hula ka falese, mme ho tla ba boima ho qeta mariha di ntse di le boemong bo botle. Ka ho kuta jwang le ho bo etsa dibale tsa furu, o tla kgona ho nontsha masimo nakong ya selemo, le ho ba le jwang bo botle tshimolohong ya sehla se hlahlamang. Haeba ho kgonahala, tshireletsa dibale tsa furu kgahlanong le maemo a lehodimo a mabe ka ho di boloka setorong tlasa marulelo, kapa bonyane, di bokelle ka mokgwa oo di ke keng tsa pepeseha haholo puleng.
Nakong ya kgwedi tsa mariha, o batla ho etsa bonnete ba hore o fela o fepa diphoofolo tsa hao. Ha o batle hore ho be teng ho hong ho jang diphoofolo tsa hao. Ena ke nako e ntle ya ho phekola mehlape ya hao kgahlanong le diboko ka maleng le dikokwanyana kapa dinwamadi tse lomang diphoofolo. Ha o hloka keletso tabeng ena, ikopanye le ba agribusiness ya hao ya selehae, ba koporasi kapa ngaka ya diphoofolo (ba na le dikeletso le meriana). Haeba o sebedisa makgulo a kopanetsweng a setjhaba, e tla ba taba e molemong wa bohle ha beng ba mehlape kaofela ba alafa diphoofolo tsa bona ka nako e le nngwe; sena se thibela dinwamadi tse tswang diphoofolong tse sa phekolwang hore di se kgutlele diphoofolong tse phekotsweng.
Ka mora sehla sa metsi, hangata dikokwanyana di ba ngata, mme bongata ba tsona bo jere malwetse a mehlape. Etsa bonnete hore o fumana keletso e ntle ka lenaneo la ho entwa ha dikgomo le dinku. Ho molemo ho sebedisa tjhelete tabeng ya ho enta le ho thibela malwetse ho ena le ho lahlehelwa ke diphoofolo ntle ho mabaka. Ha o hlokomela diphoofolo tsa hao, mme o nnetefatsa hore di fepuwa hantle, le tsona di tla o hlokomela, mme di o kenyetse tjhelete e tla etsa hore kgwebo ya hao e be e tsitsitseng.
<fn>PulaImvula. Marketing(maize).2011-01-12.st.txt</fn>
Grabber: Mmaraka o atlehileng o bolela ho ba le tokelo thepeng, ka nako e nepahetseng, ka theko e nepahetseng, le ka nako e nepahetseng.
Ha ho ntho eo re ka reng e fihlile mohatong o phethehileng wa tlhahiso ha e eso ka e fihla mohatong wa ho sebediswa. Sena se bolela hore bokgoni ba sehlahiswa sefe kapa sefe ha bo eso phethahatswe ho fihlela bo kgotsofatsa ditlhoko tsa moreki ya tla kgona ho bo sebedisa.
Mohlala, lebese ha le eso fihlelle tlhahiso e phethahetseng ha le eso fihle matsohong a moreki ya tla le sebedisa ka thabo. Ditapole ha di eso fihlelle tlhahiso e phethahetseng ha di eso ka di wela matsohong a mosadi ka lapeng ya tla di phehela lelapa. Ka mokgwa o jwalo, poone ha e eso "hlahiswe" ka ho phethahala ha e eso be matsohong a moreki ya e sebedisang. Ha ho eso filwe ntlheng ena, molemi a ke ke a fumana kuno ya letho matseteng a hae. Ke ka baka lena mohato wa ho maraka mosebetsing ona wa tlhahiso e leng taba e hlokolosi, e tshwanetseng ho nahanisiswa le pele sejothollo se jalwa.
Tlhahiso le mmaraka ke mesebetsi e mmedi e fapaneng jwalo ka ha ba bang ba nahana; e ka mpa ya eba mosebetsi o tswelang pele wa ho tlisa dihlahiswa tse hlaha boemong bo nang le thuso ho moreki. Ho nepahetse hore ha ho letho le tshwanetseng ho hlahiswa le sa hlokweng ke moreki.
Etsa o shebile mmaraka!
Se hlahiswang e tshwanetse ho ba se batlwang ke bareki, seo bareki ba ikemiseditseng ho lefa theko ya sona. Bokgoni ba ho ela hloko taba ya tjhelete e bolela hore molemi o kganna kgwebo ya hae ho ya ka metheo e metle e tla etsa hore e tshwarelle nako e telele. Nnete ke hore diqeto tsohle tsa molemi ke tseo qetellong di ipapisitseng le kgwebo.
Ke sefe seo ke ilo se hlahisa?
Ke bongata bo bokae boo ke ilo bo hlahisa?
Ke ilo rekisa tlhahiso ya ka ho mang?
Ke ilo hlahisa neng, mme ke ilo rekisa neng?
Ke ditshenyehelo dife tseo ke ikenyang ho tsona, mme ke theko efe eo ke tla e amohela?
Ke boleng bofe boo ke ilo bo hlahisa?
Na ke tla rekisa ho basebetsimmoho ba selehae?
Na ke tla rekisa ka konteraka, moo thepa e tla tla hamorao?
Na ke tla boloka thepa ya ka setorong, mme ke e rekise hamorao ha tlhoko e phahama kapa ha mmaraka o sa tlala haholo?
Na ke tla itshilela poone ya ka kapa ke tla e fepa dikgomo tsa ka?
Ke qobelleha ho rekisa thepa ya ka, mme ke kotsi e kae eo nka ipehang ho yona?
Dikarabo tseo molemi a ka di fumanang dipotsong tsena ke tse hokahaneng le dintlha tsa motheho tsa ditjhelete, tseo re buileng ka tsona pelenyana, e leng tsa tlhoko le tshebediso! Balemi ba kopuwa ho hlokomela mmaraka ha ba etsa moralo wa tlhahiso ya sehla sa bona.
Le hoja balemi ba ntse ba eba bangata ba elang hloko mehato ena ya ikonomi mmarakeng, ho sa le teng ba bangata ba tadimang mosebetsi wa ho mmaraka e le ntho e sebetsang feela hoba sehla sa ho hola ha dijothollo se simolle, mme ba nahana hore ba ka mpa ba tsepamisa maikutlo pele mosebetsing wa bohlokwa, e leng wa ho hola le ho hlahisa dijothollo!
Nnete ke hore mehato e metle ka ho fetisisa ya dijothollo e a hlokahala. Empa ho ya ka tshwaetso e ntseng e eketseha ho tswa tlhodisanong ka lefatshe lohle mebarakeng le menyetleng e fumanwang ka ho reka le ho rekisa ho South African Futures Exchange (SAFEX) Phapanyetsang ya Thepa, e leng ya Johannesburg Stock Exchange (JSE), ho bohlokwa haholo kajeno ho feta nakong e fetileng hore molemi a be le tsebo ya menyetla ya mmaraka le maqheka mabapi le ditheko, e leng tseo a nang le tokelo ya ho di tseba.
Motheo wa SAFEX ke o tsejwang e le mmaraka wa diphetho tsa dihlahiswa, mme o tadingwa e le sesebediswa se matla sa balemi sa ho tsamaisa le ho laola menyetla ya mmaraka le dikotsi tse shebaneng le ditheko mebarakeng ya temo ya Afrika Borwa. Balemi ba ka isa dijothollo tsa bona ho SAFEX hore ba fihlelle theko e ntle ya dihlahiswa tsa bona ka moso. Ketso ena e ka fokotsa kotsi eo ba ka kopanang le yona mebarakeng e kotsi, mme ya ba tshirelletsa kgahlanong le ho wela dithekong tse behilweng nakong ya kotulo ha mmaraka o tlalletswe kapa o ena le thepa e fetang tekano.
Tlhahiso ya dijothollo Afrika Borwa e tlasa kgatello. Ditjeo tsa tse kenngwang mobung di phahame, dikotsi di phahame, phepelo e feta tlhoko, e leng se bakang phepelo e fetang tekano, mme qetellong ditheko tse lefshwang ke moreki di tlasa kgatello, mme ha di buselletse molemi ditjeo tseo a bileng le tsona hammoho le dikotsi tseo a ipehileng ho tsona. Qetello ke hore maemong ana molemi o sitwa ho hlahisa dijothollo ka phaello!
Molemi ka mong o tshwanetse ho lekola boemo ba hae le ho etsa qeto e hlokolosi ya mmaraka, le hona e etswang nako e sa le teng. Ba bang e ka nna yaba ba kgethile ho jala hannyane nakong ya jwale ho fihlela ha maemo a mmaraka a boetse a le matle. Ba bang e ka nna yaba ba tsepamisitse maikutlo mekgweng e fapaneng ya tlhahiso e phehelletseng ho eketsa tlhahiso, mme e theola ditjeo tsa tlhahiso. Balemi ba bang ba fupuditse taba ya mekgwa ya ho phethola mobu ho honyane (minimum till) kapa ho se phethole ho hang (no-till), e leng mekgwa e theolang ditjeo tsa tse kenngwang mobung.
Ka bomadimabe, molemi wa dijothollo ke karolo ya motjhine ka lefatshe lohle o laolang ditheko, mme molemi ka mong ha a na matla a ho tlisa phetoho dithekong. Ke ka baka lena ka kakaretso balemi ba tadingwang e le baamohedi feela ba ditheko ho ena le ho ba babehi ba ditheko. Ke ka hoo, leqheka la ho maraka la molemi le tshwanetseng ho kgethwa ka hloko, mme qeto e batsi e tshwanetse ho etswa pele sehla sa ho jala se fiha!
<fn>PulaImvula. Marketing.2008-04.st.txt</fn>
Ho molemo ho ba le mmaraka le pele o jala, empa batho ba bangata ba teng ba jalang pele ka tshepo ya hore ba tla fumana theko (poreisi) e ntle hang ha dijothollo di se di hlahile. Mohatong ona ke taba ya bohlokwa ho etsa moralo wa ho mmaraka dijothollo tsa hao ka mokgwa o hlwahlwa ka moo o ka kgonang ka teng hore o fumane tjhelete e ngata ka moo ho kgonahalang ka teng.
Moralo wa ho mmaraka o tshwanetse ho etswa mmoho le moralo o bonahalang wa tlhahiso. Bokgoni le tsebo ya maohlahisi ya ho mmaraka di bohlokwa feela jwalo ka tsebo e hlokahalang ya ho hlahisa sehlahiswa. Ho eketsa bokgoni ba ho mmaraka ho tshwanetse ho be teng maikutlo a atlehileng le a nang le kelello mabapi le mmaraka. Leqheka la ho mmaraka le etswang ke molemi ka mong kapa khamphane ya temo ke karolo ya thepa yohle ya tharollo ya kotsi e fuperweng, e leng e sebediswang ho nnetefatsa tshireletso ho tsa ditjhelete nakong e telele. Temo e shebane le mefuta e mengata ya dikotsi le tlhokeho ya tsebo mabapi le bokamoso. Tlhokeho ena ya tsebo ya bokamoso ke yona e thatafatsang merero le hoja e le bohlokwa mabapi le merero e etswang. Merero ya ho mmaraka e thusa mohlahisi ho fokotsa, eseng ho fedisa ka hohlehohle, dikotsi mabapi le theko (poreisi).
Maikutlo a hao mabapi le ho shebana le dikotsi a tla ba le sekgahla mokgweng oo o etsang diqeto tsa hao ka ona mabapi le mmaraka. Dilemong tse ngata tse fetileng, ha ho ne ho ena le mokgwa wa ho mmaraka o neng o laolwa ka theko e tsitsitseng (fixed), balemi ba bangata ba ile ba ipelaetsa ka hore ha ba etse phaello ka ditheko tse behilweng. Jwale ha e le mona taba ya ditheko tse behilweng e se e lahlilwe, mme le mmaraka e se e le o lokolohileng, balemi ba bangata ba tletleba ka hore ba sitwa ho laola mebaraka. Mokgwa ofe kapa ofe wa mmaraka o kgema mmoho le diphephetso tse itseng, mme ka baka lena, ho bohlokwa ho sebedisa monyetla o teng.
Ho tlaila dintho ke karolo e ke keng ya qojwa bophelong ba motho - ho etsa diphoso temong ke karolo ya temo. Le ha ho le jwalo, ha eba re tla dula re ntse re etsa diphoso di le ding ho ya ho ile, re ke ke ra tswela pele. Re tshwanela ho fokotsa diphoso tsa rona le ho etsa tse ntjha hore re hatele pele.
Na o thabisitswe ke ditheko tseo o di fumaneng nakong e fetileng?
Ke mesebetsi efe ya ho mmaraka e tlisitseng katleho?
Hobaneng o nahana hore maqheka a hao a sebeditse hantle?
Ke ditheko dife tseo o di fumaneng papisong le tse tlasetlase, tse hodimodimo tsa selehae le tse mahareng tsa naha?
Ke mesebetsi efe ya ho mmaraka e sa kang ya sebetsa hantle?
Hobaneng ha maqheka a mang a hao a ho mmaraka a sa ka a sebetsa hantle?
Sepheo sa hao ka kgwebo ke sefe kgweding tse hlahlamang tse leshome le metso e mmedi le dilemong tse tlang tse hlano - sepheo sena se tla ama jwang meralo ya hao ya ho mmaraka?
Kgwebo ya ka ya temo e sebetsa jwang?
Ho bolela o shebisisa maemo a hao a ditjhelete a kgwebo ya hao.
Ke tlameho hore direkoto tsa lemo se fetileng tsa ditjhelete, ho kenyeleditswe tjhelete yohle e mabapi le ditshenyehelo tsa dijothollo, distatemente tsa tjhelete e keneng, tjhelete e kenang le e tswang (e tshwarwang) le maqephe a tekatekano (balance sheet) di phethelwe kapa di behwe maemong a nepahetseng a nako eo.
Distatemente tse shebetsweng pele tsa tjhelete e kenang, tjhelete e tshwarwang ka letsoho, le maqephe a tekatekano, hammoho le tlhophollo ya ditshenyehelo tsa jwale tsa tse rekwang, di ka lokiswa ka nepo hoo di ka bontshang maemo a a fapaneng a theko ya poone kgwebong.
Tjhelete e sa lekanang e fetang matsohong dinakong tse fapaneng tsa selemo e tla thusa ho bontsha mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho mmaraka, o tshwanetseng ho latelwa.
Tlhahiso e bonwang ka mahlo, moralo wa inshorense le wa ho mmaraka, di kgema mmoho le moralo wa ditjhelete.
Ha eba e le lefifi feela ho wena hore dijothollo tsa hao di o jele bokae, ho thata ho ka tseba hore o tla fumana bokae (tone ka nngwe) hore o etse phaello.
Tseba ditshenyehelo tsohle tsa tlhahiso hekthereng ka nngwe le toneng ka nngwe e hlahisitsweng.
Ela hloko ditshenyehelo tse otlolohileng - peo, manyolo, diesel, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, mosebetsi wa basebetsi ba nakwana, hammoho le inshorense ya dijothollo.
Tseba karolo ya ditshenyehelo tse tsitsitseng (fixed costs) tseo poone ya hao e tshwanetseng ho di jara e le ho ka tseba tekanyo le phaello ya hao e tshwanetseng ho unwa mmarakeng. Ditshenyehelo tse tsitsitseng di kenyeletsa rente, tswala, mosebetsi wa nako tsohle, motlakase (ditshenyehelo kaofela tse tswelang pele ebang o jetse dijothollo kapa tjhe).
Tekanyo (break even) e hlaloswa e le theko eo ho yona ditshenyehelo tse tsitsitseng hammoho le tse ka nnang tsa eba teng di akaretswang hoo ho fihlwang boemong ba phaello e siyo.
Tlhahiso ya poone hangata ke karolo ya mokgwa wa tlhahiso masimong a itseng. Tlhahiso e kgolohadi e tebileng haholo ya mehlape kapa ya tshilo le tswakanyo ya poone mabapi le phepo ya mehlape e ka nna ya eba taba e kgannang motho mabapi le tlhahiso ya poone. Poone e ka nna ya eba sejothollo se hlokolosi, se sebediswang nakong e telele ya leano la phapanyetso ya dijothollo polasing. Ka baka lena, ke taba ya bohlokwa ho hopola dintlha tsena ha o etsa dipalo tsa hao, moo o lekang ho tseba theko e 'tlasetlase' - hopola le bona boleng ba melemo e meng tlhahisong ya dijothollo.
O kgwebong, mme ha eba o tshwanela ho dula ho yona o tshwanetse ho etsa phaello tshebetsong e nngwe le e nngwe ya polasing.
Jwalo ka molemi wa dijothollo ho boima, mme ho teng dintlha tse mmalwa tse tshwanetseng ho hopolwa mabapi le qeto e nngwe le e nngwe e etswang. Ha eba o nyahladitse mehato ya ho mmaraka, o bile o qeaqea ka seo o tshwanetseng ho se etsa, etela bahwebi ba haufi le wena kapa ba Agribusiness ho o fa dikeletso. Le hoja motho a tshwanetse ho ba le ihlo le ntjhotjho ha re etla tabeng ya dikeletso, ho teng batho ba tshepahalang, ba nnete, bao ruri ba ka o thusang - ikopanye le bona!
<fn>PulaImvula. MarketingMaize.2009-10.st.txt</fn>
Ho mmarakwa ha dijo ho kenyelletsa mesebetsi yohle ya kgwebo e amehang tsamaisong ya dihlahiswa tsa dijo hammoho le ditshebeletso tse tswang ho bahlahisi ho ya ho bareki.
Mokgwa wa ho mmarakwa ha dijo ke o rarahaneng, o boima, o fupereng marangrang a metjha, bomakena-dipakeng hammoho le mesebetsi ya mmaraka e potlakisang tlhahiso, phatlalatso le phapanyetsano phepelong ya dijo tsa setjhaba. Mokgwa ona o eketsehile ka boholo le ka bohlokwa, e leng ka baka la ho hola ha temo e ikgethileng, maemo a ditoropong hammoho le ditshekamelo tse ding tsa maemo a batho le a ikonomi. Ho mmaraka ke mosebetsi o tswelang pele, o fanang ka sebopeho, tulo, nako le bokgoni ba katamelo thepeng ya polasi. Boleng bo kenyelletswang tshebetsong ya ho mmaraka dijo bo tlatsa mesebetsing ya tlhahiso polasing. Tshebetso ya mmaraka e bopa borokgo ba bohlokwa pakeng tsa bahlahisi ba dijo le bareki, mme e tshwaetswa ke mehlodi ya batho, theknoloji le melao le ditlwaelo tsa setjhaba. Mmaraka wa dijo o simollotse ka baka la ditlhoko tse fetohang tsa bahlahisi le bareki ba dijo.
Mekgwa eo mmaraka o sebetsang ka yona e fupere diketso tse fapaneng tse etswang ho tsamayeng ha sehlahiswa ho tloha mohatong o simollang ho fihlela sebopehong sa ho qetela moo se fetohang sehlahiswa sa moreki.
Ditaba tsa mmaraka.
Ka baka lena, tsamaiso ya mmaraka e shebane le mosebetsi ho tloha kotulong ho fihlela thekisong ya dihlahiswa, e leng hore e ka ba boemong bo tala kapa boemong bo hatetseng pele ba tse hlahiswang polasing. Bahlahisi ba shebane le mathata a mangata mmarakeng wa dihlahiswa tsa bona.
Taolo ya tlhahiso ka bobona.
Bohlwahlwa ba ho mmaraka bo na le tshwaetso ya bohlokwa dithekong tse fumanwang ke balemi, mme ka hoo, sena se ama le yona tjhelete eo ba e fumanang.
Mmaraka o hlaloswa e le sebaka moo barekisi ba ikemisediseng ba kopanang le bareki ba ikemiseditseng, mme ebe ba abelana dihlahiswa kapa ditshebeletso tseo ho dumellanweng ka tsona.
Bonyane ho tshwara le ho ntlafatsa, e leng se labalabelwang, sephetho sa ditjhelete le maemo a ditjhelete a kgwebo.
Ho ntlafatsa boemo ba moralo, tlhophiso, ho kenngwa tshebetsong le taolo ya tsamaiso ya mmaraka.
Ho phahamisa mosebetsi wa ho etsa diqeto mabapi le tsamaiso ya mmaraka - eng, neng le hokae.
Ho tiisa hore ho fumanwa ditaba tse nepahetseng tsa mmaraka.
Theko le tjhelete e kenang ke tsa bohlokwa diqetong tsa mmaraka. Ditheko le tjhelete e kenang di na le tshwaetso e kgolo phaellong, mme di boetse di tshwaetsa ho ajwa ha mehlodi ya mmaraka. Theko eo ho dumellanwang ka yona e bolela hore moo mmaraka o sa tshwenngweng ke letho, theko, bongata ba tse sebediswang hammoho le bongata ba tse hlahiswang, di laolwa ke tlhoko le phepelo.
Bareki ba shebane le bothata ba ho kgetha. Bareki ba na le ditlhoko tse ngata, re ka re tse se nang moedi - empa tjhelete e kenang yona ke e nyane. Ba leka ho kgetha thepa e ikgethileng le tshebeletso tse ikgethileng tse tla kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bona hantle ho ya ka meedi eo ba e sehetsweng ke tjhelete e kenang. Tlhoko ya sehlahiswa e ka hlaloswa e le kamano pakeng tsa theko le bongata ba thepa e rekwang mmarakeng. Molao wa tlhoko o bolela hore ha theko ya sehlahiswa e ntse e phahama, ke karolo e nyane ya sona e tla rekwa; hape ha theko ya sehlahiswa e ntse e theoha, ke karolo e kgolo ya sona e tla rekwa. Ha theko e ntse e phahama, ke bareki ba mmalwa feela ba tla ba le thahasello ya ho reka sehlahiswa. Hape, ha theko e theoha, ba bangata ba tla reka sehlahiswa. Batho ba bang ba tla nne ba tswele pele ho reka, empa haholoholo ba tla reka ho honyane.
Tlhoko ke kamano pakeng tsa theko ya sehlahiswa le bongata bo rekwang. Ha theko ya sehlahiswa e eketseha ho tloha ho R9,00 ho ya ho R10,50, bareki ba reka hanyane. Bakeng sa hoo, ba ka nna ba etsa qeto ya ho ithekela dipizza. Ha theko e theohela tlase ho R7,50, ba ka nna ba reka haholwanyane. Bongata ba se hlokwang bo na lekgahlamelo e mpe ya ho laolwa ke theko.
Theibole 5.3.1: Bongata ba sehlahiswa se hlokwang ka ditheko tse fapaneng. Kamano ena e bontshwa ka kerafo setshwantshong sa 5.3.
Mola o theohelang tlase o bontshang kamano pakeng tsa theko le bongata bo hlokwang o bitswa mothinya wa tlhoko (demand curve).
Phepelo ya sehlahiswa sefe kapa sefe kapa tshebeletso efe kapa efe ke bongata boo barekisi ba ikemiseditseng le ho kgona ho bo rekisa ka theko e itseng.
Ha tlhoko e le kamano pakeng tsa theko ya sehlahiswa le bongata bo rekwang, phepelo yona ke kamano pakeng tsa theko ya sehlahiswa le bongata boo barekisi ba ikemiseditseng ho bo rekisa. Ha theko ya sehlahiswa e le tlase, ho rekisa sehlahiswa ho ke ke ha tswela motho molemo, mme phepelo e ba e nyane. Ha theko ya sehlahiswa e hola, kgwebo e ba le phaello, mme barekisi ba nehelana ka ho hongata. Ka hoo, bongata ba sehlahiswa bo amana hantle le theko. Kamano ena pakeng tsa theko le bongata ba sehlahiswa e bitswa molao wa phepelo. Nahana ka moo bongata ba phepelo bo fapanang ka teng le theko, bo kginang ditheko tsa tse sebediswang mobung, theknoloji le tse lebelletsweng. Theibole 5.3.2 e bontsha bongata ba dihamburgers tseo morekisi a di rekisitseng ka ditheko tse fapaneng. Ha theko e phahama, phepelo ya mohlahisi e dula e ntse e eketseha ho ya ho ile.
Mothinya o bontshang kamano pakeng tsa theko le bongata o bitswa mothinya wa phepelo. Phepelo e thinyetsa hodimo hobane theko e phahameng e bolela bongata bo phahameng ba phepelo.
Setshwantshong sa 5.3.3 methinya ya phepelo le tlhoko e bontshitswe hammoho. Ela hloko hore methinya ya phepelo le tlhoko e kopana mmoho. Ntlha ena e bitswa tekano ya mmaraka. Theko eo methinya ena e mmedi e fapanang ho yona e bitswa theko ya tekano, mme bongata bona bo bitswa bongata ba tekano.
Thekong ya tekano, bongata ba sehlahiswa boo bareki ba ikemiseditseng ho bo reka bo lekana hantle le bongata boo barekisi ba ikemiseditseng ba kgonang ho bo rekisa. Theko ena ya tekano ka nako e nngwe e bitswa theko e hlekang ya mmaraka hobane ka theko ena e mong le e mong mmarakeng o kgotsofetse. Bareki ba rekile tsohle tseo ba batlang ho di reka, mme barekisi le bona ba rekisitse tsohle tseo ba batlang ho di rekisa.
Ntlheng ya pele, maemo a phepelo a tshwaetsang ditheko tsa dihlahiswa tsa temo le dijo a kenyelletsa diqeto tse mabapi le tlhahiso, maemo a lehodimo, dikokwanyana le malwetse, moo ho kotutsweng hammoho le tse romellwang di etswa ka ntle.
Ntlheng ya bobedi, maemo a tlhoko a kenyelletsa tjhelete e kenang, ditheko, tse ratwang le tse kgethwang, setjhaba le tse romellwang ho ya ka ntle.
Mokga wa mmaraka wa dijo o kenyelletsa mokgahlelo wa boraro; o tshwaetsa ditheko tsa dihlahiswa tsa temo ka mesebetsi ya keketso ya boleng, ditheko, ditjeo le maqheka a ho fumana thepa.
Qetellong, mmuso o ka tshwaetsa ditheko tsa dihlahiswa tsa temo ka tshehetso ya ditheko, taolo ya phepelo, tshehetso ka ditjhelete, leano la kgwebo kapa maano a tshwaetsang tlhoko ya selehae mabapi le dijo.
Nakong e fetileng, temo ya Afrika Borwa e nnile ya tadingwa e le e ikemetseng ka thoko, e arohileng ikonoming ya naha le ya matjhaba. Ka baka leo, ditheko tsa dihlahiswa tsa temo, ho kenyelleditswe tjhelete e fumanwang dihlahisweng tsa temo, di ile tsa tshwaetswa sethatong ke dintlha tsa ka hare, tse kang diqeto tsa balemi, leano la mmuso, theknoloji ya temo, maemo a lehodimo hammoho le tlhoko ya dijo ya moreki.
Kajeno maemo a fetohile. Nakong ya tshebedisano ka lefatshe lohle, ha ho mokga, ho kenyelleditswe temo, o ka itlhomang thajana hole le lefatshe. Ho boetse ho bile teng tlhoko ya ho fokotsa ho itshunyakaka ha mmuso dithekong tsa dihlahiswa tsa temo Afrika Borwa. Ditheko tsa dihlahiswa tsa temo Afrika Borwa e se e le mosebetsi wa phepelo le tlhoko ya matjhaba hammoho le phepelo le tlhoko ya selehae.
Maemo a fapaneng a baka ho se tsitse ha ditheko tsa dihlahiswa tsa temo. Lehlakoreng la phepelo, phapano diqetong tsa tlhahiso ya balemi, maemo a lehodimo, dikokwanyana le malwetse le diketsahalo tse itlhahelang ka tshohanyetso, di na le tshwaetso moo ho lengwang/jalwang teng, le kunong, le dithekong. Balemi ba ka laola tse ding, empa eseng dintlha kaofela tsa phepelo. Le hoja balemi ba ka leka ho nyalanya tlhoko lephepelo, tlhaho yona e senya maemo a ditaba. Molemi a ka nna a ikamahanya le ponelopele mabapi le ditheko kapa ditebello tse amanang le sebaka seo ho ilo lengwa ho sona sejothollo se itseng, empa ere ha a re mahlo tloha, a lemohe hore kuno ya hae e ka tlase ho palohare kapa maemo a ho hola ha dihlahiswa tsa hae. Sena se baka tlhahiso e ngata e kgemang mmoho le ditheko tse tlase, kapa sehlahiswa se romellwa ka ditheko tse tlase ho tswa ka ntle.
Diphetoho dithekong hangata di bakwa ke teko ya balemi ho atolosa kapa ho fokotsa tlhahiso. Theko e phahameng e tla kgothaletsa tlhahiso kapa mmaraka, e leng se tla kgannela dithekong tse tlase. Ditheko tse tlase kapa tse phahameng temong di batla di itokisa ka botsona. Ho teng tiehiso e utlwahalang temong, e leng e thibelang molemi ho ema ka maoto mabapi le diphetoho dithekong. Ka kakaretso ke boitshwaro ba balemi bo hahlamelang ditheko.
Dintlha tse amanang le tlhoko di boetse di ama ho ritsa ho teng dithekong tsa temo. Dikamano tsa matjhaba tsa kgwebo di hokahanya balemi ba Afrika Borwa le mebaraka ho bareki le balemi lefatsheng kaofela. Ka baka lena, ho ritsa dithekong tsa lefatshe ho na le sekgahla se matla dithekong tsa selehae. Afrika Borwa e na le tshusumetso e nyane mebarakeng ya lefatshe mabapi le dihlahiswa tsa temo, ha esale thepa ya rona e romellwang ka ntle e le karolwana feela ya kgwebo ya lefatshe kapa yona ya thepa ya sehlooho e romellwang ka ntle, jwalo ka kgwebo ya poone e matsohong haholo a USA, boya a Australia le veine a France. Maemo mmarakeng wa lefatshe a fetohile tshusumetso e kgolo dithekong tsa selehae.
Tjhelete e kenang ya bareki ya selehae, maemo a kgiro a basebetsi le a kgwebo, di na le tshusumetso tlhokong ya le thekong ya dijo.
Mohatong ona, e leng lehlakoreng la tlhahiso ya dijothollo, balemi ba shebane le bothata ba kobo ya kgomo ka ha ba se ba hloleha ho hlahisa dijothollo ka theko ya jwale. Ditjeo tsa tlhahiso di feta boleng ba dijothollo tseo ba di hlahisang.
Bolemi ke kgwebo, mme jwalo ka kgwebong e nngwe le e nngwe, ha eba phaello e sa be teng, kgwebo e tla tshwanela ho emiswa. Balemi ba Afrika Borwa ba fepa setjhaba, mme ha eba dikgwebo tsa bona di kwalwa, batho ba tla ja eng Karabo e totobetseng ke hore re tla tshwanela ho romella dijo tseo re di hlokang ho tswa dinaheng tse ding. Sena ke nnete, empa bothata ke hore ha seo se etsahala re tla tshwanela ho lefa tjhelete ya phapanyetsano (foreign exchange), e tla lefella ho kena ha thepa eno. Naheng efe le efe ho teng se bitswang 'masalla a tefello', mme hantlentle sena ke masalla pakeng tsa tjhelete eo naha e e fumanang ka ho romella thepa naheng tse ding, le tjhelete eo naha e e sebedisang ho romella thepa e kenang ka hara naha. Ha eba re se na 'dintho' tse lekaneng tseo re ka di romellang kantle ho eketsa tjhelete ya phapanyetsano, naha e tla sitwa ho ba le tjhelete ya ho romella dijo tse tswang naheng tse ding, e leng dijo tse hlokwang ke batho. Sena se tla beha tshireletso ya dijo tsa setjhaba ka mosing?
Hajwale, mmaraka o behile Afrika Borwa tlasa kgatello ya kgaello ya dijo tsa setjhaba - naha ya rona e na le bokgoni ba ho hlahisa dijo tsohle tseo re di hlokang, hammoho le tseo re sa di hlokeng, tseo re ka di romellang naheng tse ka ntle tsa boahisani. Le ha ho le jwalo, ntle le hore ho be teng se ka etswang mabapi le ditheko tse fumanwang ke balemi ho tseo ba di hlahisang, maemo a ke ke a dula a le tjena nako e telele. Bothata ba phaello bo ama balemi ba bahwebi hammoho le ba ntseng ba thuthuha - kaofela ba tlamehile ho etsa phaello. Re tlamehile ho ema nneteng mabapi le tlhahiso ya dijothollo - hobaneng ha ditheko di le mangweleng tjena Mmuso o etsa eng ho tshireletsa balemi ba rona, bao e leng mohlodi wa dijo le tshwele ya rona?
<fn>PulaImvula. Measure.2007-12.st.txt</fn>
Kgalekgale, pele temo e fetoha mokgwa o matla wa kgwebo, mokgwa ona wa ho lekanya kapa ho metha ba ne ba sa o sebedise haholo.
Ba ne ba sebedisa manyolo masimong a bona - haholo ka moo ba neng ba kgona ka teng, kapa haholo ka moo ba neng ba kgona ho ala manyolo pele nako ya ho kotula e fihla. Ba ne ba sebedisa diphoofolo ho hula mehoma - mme botebo mobung e ne e eba bo ka kgonwang ke pere, tonki kapa pholo. Ba ne ba jala peo ka ho e hasanya ka matsoho, e etswa mekotleng e neng e leketla lehlakoreng - mme peo e ne e hasanngwa bohole ba moo letsoho le ka kgonang ho fihlella. Ba ne ba hlaola lehola ka matsoho, ba laola ditweba, dikokwanyana kapa eng kapa eng eo ba neng ba kgona ho e sebedisa, mme le ho kotula ba ne ba ho etsa ka matsoho - ntle le ho tseba hantle hore ke dihekthara tse kae tseo ba di jadileng, ntle le ho tseba hore ke dijothollo tse kae tseo ba di kotutseng. Seo ba neng ba se tseba feela e ne e le mohlomong kotulo e tla lekana ho fepa ba lelapa le diphoofolo selemong se hlahlamang. Dintho di fetohile hakaakang ruri.
Matsatsing a kajeno re tshwanetse ho lekanya/ho metha - ha re ntse re eketsa ho lekanya le ho etsa dipalonyana tsa rona, eba re kgona ho nepa dintho hantle, mme eba re kgona ho laola maemo tshebetsong ya temo. Atikeleng ena, re tla ke re qoqe hanyenyane ka tse ding tsa dintho tseo rona, jwalo ka balemi, re tshwanetseng ho di metha/lekanya.
Mebu e fapana haholo, ka botebo le ka semelo. Re tlamehile ho tseba mofuta le botebo ba mobu oo re o lemang - o se ke wa ya le kgongwana hodimo hore mebu yohle e a tshwana! Mofuta wa mobu le botebo ba mobu ke dintlha tse laolang mofuta wa dijothollo tseo re tshwanetseng ho di jala - Mefuta e meng ya dimela ke e sa tshwanelang ho jalwa mobung o sa tebang. Ha eba ho etsahala hore ka mohlomong mobu wa hao ke o sa tebang, seo ha se hakaalo koduwa - se mpa se bolela feela hore o tla tshwanela ho etsa qeto ya hore ke dijothollo dife tseo o ka di jalang moo hore di o fuparele molemo (tabakgolo ke makgulo ao o tshwanetseng ho a lema hore mobu oo o otileng o sebediswe ka mokgwa o tla o tswalla molemo).
Dimela tsohle di fumana menontsha mobung hore di kgone ho hola le ho atleha. Dintlha tse ding, tse kang pula le metsi a tsamayang ka hara mobu, di na le sekgahla menontsheng e teng mobung. Ka ho nka disampole tsa mobu, molemi o kgona ho lekola boemo ba menontsha mobung hammoho le pH ya mobu (sena ke tekanyo ya esiti mobung). Ha mobu o ena le esiti e ngata, le hoja menontsha e ntse e le teng mobung, menontsha ena e ke ke ya kgona ho fumanwa ke semela. Ntle le ho tseba boemo ba mobu, re tla sitwa ho tseba mofuta wa manyolo le hore ho tla hlokeha manyolo a makae ho hlahisa dijothollo.
Dijothollo tsohle di na le meedi e itseng ya dithemphereitjhara e di lokelang. Re tshwanetse ho tseba dithemphereitjhara tse tlasetlase le tse hodimodimo tseo re tla ba le tsona nakong ya selemo, le hore dirame tsa pele re tla di lebella neng. Hang ha re ena le dintlha tsena, re tla kgona ho nahana ka hore ke dijothollo dife tseo re ka di jalang, le hore ke mofuta ofe wa peo o ka lokelang dithemphereitjhara tseo, hammoho le bolelele ba sehla sa ho hola ha dimela. (Hopola hore sehla sa ho hola ke nako e pakeng tsa ho jalwa ha dijothollo le ya ho butswa ha tsona - letsatsi la serame sa pele se lebelletsweng lebatoweng le laola bolelele ba sehla sa ho hola).
Ke taba ya bohlokwa ho tseba pula ya selemo ya lebatowa la hao le hore dinako tsa komello di ka lebellwa neng. Bohle re a tseba hore re sitwa ho laola ho na ha pula, empa re ka sebedisa dipalopalo tsa bohareng mabapi le ho itokisetsa merero e itseng. Matsatsing a kajeno, balepi ba maemo a lehodimo ba fana ka dintlha tse nepahetseng haholo, mme boholo ba bolepi mabapi le komello le mongobo, re bo tseba pele nako eo e fihla - o tshwanetse ho sebedisa tlhahisoleseding ena molemong wa hao. Ho metha/lekanya pula ha se ntho e boima (dikotlolwana tse methang pula di a fumaneha, mme di tshwanetse ho ba teng dibakeng tse ngata tsa masimo a hao). Ha pula e nele, o ka metha hore ho nele e kae, mme o ngole fatshe. Mililithara e nngwe le e nngwe e kenella mobung, mme e siya leswe le itseng mobung - o tshwanetse ho metha pula hore o tsebe hore pula e entse mongobo o mokae mobung.
Ho hlokolosi haholo hore o jale palo e nepahetseng ya dipeo hekthareng ka nngwe e le ho fihlella palo e lebelletsweng ya dimela hekthareng ka nngwe. Palo e lebelletsweng ya dimela hekthareng ka nngwe e fapana ho ya ka lebatowa ka leng, hape le ho ya ka mebu e fapaneng ya lebatowa le le leng. Lebaka le etsang hore palo ya dimela e be bohlokwa hakana ke hobane semela ka seng se batla bongata bo itseng ba metsi le menontsha e le hore se kgone ho etsa tlhahiso e kgolo, e ntle - Ha dimela di le nyane haholo ka palo, semela ka seng se ke ke sa hlahisa ho lekaneng mabapi le kotulo e lebelletsweng. Le teng ha eba dimela di le ngata haholo, di a hlodisana mabapi le metsi le menontsha, mme di sitwa ho hlahisa kotulo e lebelletsweng. Molemi o tshwanetse ho tseba bophara ba mela le hore dipeo di tshwanetse ho jalwa di arohane ho le hokae moleng - ena ke ntlha e hlokolosi tlhahisong ya dijothollo.
Dimela di hloka menontsha hore di hole le ho hlahisa dijothollo. Bongata ba menontsha bo laolwa ke kuno e lebelletsweng (kuno ya nnete e habilweng ke molemi masimong ao, ka mofuta o itseng wa semela). Diphetho tsa disampole tsa mobu di tla fana ka boemo ba jwale ba menontsha mobung, mme ho ya ka sena, ho ka etswa dipalo, mme ha tsejwa bongata ba manyolo kapa menontsha e lokelang ho kenngwa mobung. Manyolo a bohlokwa haholo mabapi le tlhahiso ya dijothollo, empa le teng tshebetso ena e phahame haholo ka ditjeho, e leng se etsang hore ho be bohlokwa ho tseba ka nepo bongata ba manyolo a hlokahalang, ebe ho sebediswa bongata boo ba manyolo.
Ena ke karolo e nngwe eo taba ya ho metha e leng bohlokwa ho yona. Dikhemikhale tsena kaofela di tla le kgothaletso di na le di sebediswe jwang le hakae. Sena se entswe hore molemi a tle a fihlelle sepheo sa hae ka ho fafatsa ntle le ho lematsa dijothollo tsa hae kapa yona tikoloho. Tshebediso ya dikhemikhale hangata e kenyeleditse bongata ba metsi a tshwanetseng ho sebediswa hekthereng ka nngwe - mohlala, lithara e le nngwe ya khemikhale metsing a 250 dilithara hekthare ka nngwe (ona ke tekanyo e bohlokwa). Dikhemikhale tse sebediswang tlhahisong ya dijothollo di kotsi, mme di phahame ka theko. Ka baka lena, di tshwanetse ho sebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe. (Metwa [calibration] e bonahalang sefafatsing ke ntlha e nngwe letotong a tlhahiso ya dijothollo).
Ka mora mosebetsi o moholo kahana, o fihlelletse sefe hekthareng ka nngwe Mosebetsi ke o tshabehang o tshwanetseng ho etswa hore tlhahiso e be teng ya dijothollo qetellong, mme ho bohlokwa ho tseba hore o atlehile ho le hokae. O simollotse ka mobu - yaba o phethola mobu, yaba o etsa qeto mabapi le seo o batlang ho se jala, mofuta wa peo e tla sebediswa, ke manyolo a makae a tla hlokahala, ke dikhemikhale dife tse tla sebediswa, le hore di sebediswe ho le hokae - kaofela ha tsena ho nkile nako, mosebetsi le tjhelete e ngata. Jwale o na le dijothollo tse lokelang ho kotulwa le ho rekiswa - o tshwanetse ho tseba hore tone ka nngwe e o jele bokae, le hore tjhelete e keneng ke bokae, e le hore o tsebe hore na mekutu ya hao e o tswaletse eng qetellong?
Lenaneong la rona la Ntshetsopele ya Molemi, re kopana le balemi ba bangata ba tsilatsilang mabapi le boholo ba masimo ao ba a lemang, mofuta le botebo ba mobu, boemo ba menontsha mobung, manyolo ao ba ikemiseditseng ho a sebedisa, palo ya dimela eo ba e batlang kapa bongata ba dikhemikhale tseo ba batlang ho di sebedisa. Balemi ba tshwanetse ho metha - ho metha masimo a bona, mobu, menontsha, pula, dithemphereitjhara, palo ya dimela, sekgahla sa manyolo, tshebediso ya dibolayalehola le dibolayakokwanyana hammoho le kuno. Ka mokgwa ona, o tla be o kene hantle tseleng ya ho ba molemi wa makgonthe ya keneng kgwebong.
<fn>PulaImvula. MeasurementOpot.2008-10.st.txt</fn>
Peo le manyolo - hopola ho metha!
Mekgwa e mengata e fapaneng ya ho metha peo e a sebediswa e le ho nnetefatsa hore sebaka se pakeng tsa dipeo e ba se nepahetseng. Sesebediswa se tlwaelehileng ka ho fetisisa ke sa mofuta wa poleiti le masoba (bontshwa tlase mona).
Diski e methang e na le 'ring' e nang le masoba, mme lesoba ka leng le leholo hoo peo e kgonang ho feta ho lona ka nako e le nngwe. Ha diski ena e ntse e potoloha, e thella hodima poleiti (base plate) e nang le lesoba le le leng. Karolo e nngwe ya diski ke e kwahetsweng, mme karolo ena e kwahelang e na le sekarapi (scrapper) se karapang peo efe kapa efe e sa hlokahaleng, e ntseng e dutse hodima peo e keneng lesobeng nakong eo diski e ntseng e potoloha. Hape ka hara karolo ena e kwahelang (cover) ho teng monwana o sututswang ke spring, o tsamayang hodima diski, o sutuletsang peo hore e tswe ka hara lesoba nakong eo peo e fetang hodima lesobana la poleiti tlasa diski. Sebopeho le boholo ba lesoba la diski ke dintlha tsa bohlokwa ho tiisa hore ke peo e le nngwe feela e dumellwang ho kena lesobeng, le ho thibela peo ho kgomarela, bakeng sa ho wela feela ha bonolo moo e lebelletsweng teng.
Ho teng mefuta e mmedi ya plantere tsa moya - o mong o na le kgatello e hulang (negative pressure), e leng ho hulwa ha moya e le hore ho be teng baka se feela 'vacuum' e qobellang hore peo e hulelwe bakeng seo se feela, mme o mong ke wa kgatello e sututsang (positive pressure) ho sututswa ha peo ke moya o matla, mme o e qobella hore e kene lesobeng. Boholo ba peo ha se taba ya bohlokwa metjhineng ena jwalo ka diplantereng tsa dipoleiti - 'Vacuum' (baka se feela) se hulela peo lesobeng ho sa tsotellwe boholo ba peo. Bongata ba peo e jalwang bo itshetlehile feela ka ho potlaka ha poleiti e ntseng e potoloha.
Sesebediswa sa ho metha se tlwaelehileng ka ho fetisisa ke sa auger kapa mofuta wa sekurufu (screw). Auger e fumanwa karolong e ka tlase ya motjhine (hopper) wa manyolo. Hangata hopper e potoloswa ke ketane ya drive ho tloha mabiding a tsamaisang. Ha e potoloha jwalo, manyolo a tshwaswa pakeng tsa masobana a auger, ebe moo a karapellwang ho ya lesobeng le yang ka ntle la hopper.
Mokgwa o le mong feela wa ho etsa phetoho ho methweng ke wa ho fetola seprokete (lebidi le nang le meno) tse sebedisang ketane pakeng tsa lebidi le tsamaisang (drive wheel) le auger.
Sesebediswa sa ho metha sa diski se atile haholo diplantereng tse bonolo tsa ditjeo tse tlase. Semetha sa diski ha se sesebediswa se sututsang jwalo ka sa auger. Hangata, manyolo a tswela ka ntle ho sentshamanyolo sa hopper empa se thuswa feela ke ho potapota ha diski. Sepotlakisi ke foro hodima diski, mme se thusa ho tsukutla manyolo le ho a thusa ho leba nqeng ya molomo moo a tswang le teng.
Ho setwa ho itseng (setting) ho fihlellwa ka ho fokotsa kapa ho atolosa lesoba la sluice gate.
Sesebediswa sa lebidi la naledi le sona se boetse ke mokgwa wa ho metha o budulang.
Lebidi la naledi le behwa ka hara hopper ka mokgwa oo karolo ya menwana e tla potapotang ka ntle ho hopper.
Ka hara hopper, manyolo a tshwaswa dipakeng tsa menwana ya lebidi, mme ha le potoloha, manyolo a hulwa ho tswa ka hara hopper hore a wele ka hara tjhupu ya guide.
Kenya disprokete tse ding tsa ketane tsa drive hore lebidi le kgone ho potoloha kapele kapa butlenyana.
Fapanya lebidi la naledi ka le leng le nang le menwana e melelele kapa e mekgutshwanyane.
Mabidi a mang a naledi a ka nna a ba le sluice gate jwalo ka yunite e methang ya diski. Ho bula sluice gate ho tla dumella manyolo a mangata ho feta.
Ha ho se ho etswe hloko dikarolo tse fapaneng tsa plantere, hammoho le dintlha tsa motheo tsa mekgwa ya ho metha peo le manyolo - potso e a ipetsa ya hore, dikarolo tsena kaofela di bidikoloha jwang?
Sesebediswa sa ho metha hangata se tsamaiswa ke lebidi le tshehetsang le leng hodima plantere. Mabidi a hatellang (press wheels) hangata a boetse a sebediswa e le a kgannang (driving wheels) le mabidi a tshehetsang. Ka nako tse ding, lebidi le ikgethang le tlamelletsweng hodima plantere le a sebediswa. Lebidi lena le ka nna la eba boima hoo le nang le matla a lekaneng a ho hula (traction), kapa le ka sututswa ke spring. Metwa (threads) e ikgethileng jwalo ka thaereng e ba teng ka sepheo sa ho etsa hore lebidi le se ke la thella haholo.
Lebelo la ho potoloha ha lebidi le kgannang le itshetlehile lebelong la terekere - ha terekere e tsamaya ka lebelo, lebidi le kgannang le lona le potlaka feela jwalo. Mokgwa wa dikere, disprokete le diketane o sebediswa ho laola lebelo la ho potoloha ha dikarolo tse sebetsanang le peo, mme mekgwa e meng ya dikere, diprokete le diketane e sebediswa ho laola lebelo la ho potoloha ha karolo tse sebetsanang le manyolo.
Ela hloko hore mefuta e fapaneng ya diplantere e na le dikarolwana tse fapaneng tsa tshebetso - mohlala, e meng e na le di-levers (ditshepe) tseo ka kakaretso di ka behwang di butswe (pepesehile) e le hore di laole ho phalla ha peo kapa manyolo.
Ho laola lebelo la disebediswa tsena, ho sebediswa ratio tsa dikere - ena ke ntlha ya bohlokwa e tlamehileng ho utlwisiswa.
<fn>PulaImvula. Mechanisation.2008-04.st.txt</fn>
Disebediswa: tsa rona, tse hirwang kapa tse fumanwang kaekae?
Molemi wa kajeno o phehelletse tshebediso e batsi le e hlwahlwa ya diterekere, metjhine e kotulang le e amanang le tseo.
Sena ke nnete haholoholo mabapi le mekgwa ya ho phethola mobu. Tswelopele ya sejwalejwale metjhineng e metjha, e ka nnang ya shejwa le ho bonwa Letsatsing la Kotulo la NAMPO selemo le selemo, e bontsha tshekamelo ya ho eketseha ha matla a horsepower kapa kilowatt ya metjhine e tsamaiswang ke enjene. Sena se kenyeletsa boholo le mothamo wa metjhine; ebang e ka ba terekere, motjhine o itsamaisang o etsang dijo tsa diphoofolo, mohoma o hulwang, o etsang diforo tse ngatanyana kapa mohoma wa dipapetlatjhitja (disks) tse arohaneng.
Ditjeo tsa ho ba le metjhine e jwalo le ho kenya e meng bakeng sa yona, hammoho le hore e sebediswa jwang, le mekgwa ya yona ya ho lema, ke dintho tse eketsehang ka potlako. Tshenyehelo e bang teng ka baka la ho se phethole mobu ka nako e ka fetoha dijothollo tse fetilweng kapa tsa kuno e tlasa palohare.
Hore motho a fihlelle sepheo ka dijothollo le tlhahiso jwalo ka ha e hlophisitswe moralong wa polasi, mabapi le sepheo ka mehlodi le ka ditjhelete, ke taba ya bohlokwa ho etsa meralo ho ipapisitswe le bokgoni ba disebediswa tseo motho a nang le tsona. Hoba lethathamo la disebediswa tse leng teng le phethelwe, molemi o tla tseba hore ke diterekere tsa boemo bofe le tsa boholo bofe tse leng teng hammoho le hore ke tsa matla a kilowatt dife terekere ka nngwe.
Boholo ba diterekere le bokgoni ba ho hula kapa ho sebetsa ha tsona bo tshwanetse ho lekolwa mmoho le boholo le bokgoni ba disebediswa tse leng teng. Ha sena se se se entswe, diphetho mabapi le nako e nkwang ya ho lema, ho tabola lekgapetla la mobu, ho sebedisa di-diski, ho phethola mobu le ho jala, ke hona di ka methwang.
Molemi ke hona a ka etsa qeto tse ngata tsa hore na o na le kapa ha a na disebediswa tse lekaneng. Mohlomong a ka nna a tlameha ho reka disebediswa tsa tlatsetso kapa a hira borakonteraka ho etsa mesebetsi e meng ya sehlooho. Mohlala, ho ka baballa ditshenyehelo ho hira rakonteraka ka terekere e kgolohadi mmoho le disebediswa tse e tshwanelang, ho etsa mosebetsi wa pele wa ho phethola mobu, ho tabola ho tebileng ha mobu kapa mesebetsi e meng ya ho phetola mobu ka diski. Ho tloha mona molemi a ka tswela pele ka mesebetsi e meng e latelang ya ho phethola mobu ka ho sebedisa disebediswa tsa hae tseo hangata e leng tse nyane. Ho tseba haholwanyane ka taba tsena, sheba "Thuto ya Rakonteraka".
Molemi o tshwanetse ho etsa qeto mabapi le ho ba monga disebediswa tsohle ho phetha mesebetsi yohle eo a rerileng ho e etsa ka nako, ho hira disebediswa tse ding tsa tlatsetso tse hlokahalang kapa ho sebedisa borakonteraka. Ditjeo tse tsitsitseng (fixed costs) tsa monga thepa ya disebediswa tsohle, haholoholo tsa molemi ya thuthuhang, ho ya ka ho theoha ha boleng ba thepa ya hae, makgetho a lefshwang, sebaka sa tshireletso ya thepa, inshorense le phaello, di tshwanetse ho hopolwa. Mojaro o boima wa ditjhelete kgwebong, wa ho lefa sekoloto sa dikadimo tse entsweng ho fumana disebediswa tse ding tsa tlatsetso, e ka ba tshitiso e ka behang kgwebo boemong bo kotsi ba ditjhelete. Le ha ho le jwalo, ho hloka disebediswa le teng ho ka bolela tahlehelo ya ho se fumane letho kapa ho se kotule ka nako. Ke boo bothata!
<fn>PulaImvula. Mechanisation.2009-11.st.txt</fn>
Tlhokomelo ya metjhine - ke boikarabelo ba mang?
E ka nna yaba o bile lehlohonolo ho fumana diterekere le disebediswa tse ding tsa temo Lefapheng la Temo, kapa mokgatlong o mong o itseng. Ho ka nna ha etsahala hore ha o a fumana sesebediswa o le mong, empa o tshwanetse ho se sebedisa mmoho le balemi ba bang. Ena ke taba e thata. Le ha ho le jwalo, hopola hore o lehlohonolo ho feta ba bang ba bangata ba sitwang ho fumana diterekere le tsona disebediswa ho hang.
Metjhine ke lehlohonolo, empa e tshwanetse ho hlokomelwa. Ho teng boikarabelo bo boholo bo tshwanetseng ho jarwa ke bohle ba amehang tabeng ena. Ditlwaelo tsa tlhokomelo tse kgemang mmoho le boikarabelo di tshwanetse ho tshohlwa, mme ho tshwanetse hore diqeto tse etswang di etswe ke sehlopha - o tlamehile ho dumellana le ka moo tsohle di etswang ka teng, hape o tshwanetse ho etsa bonnete hore sehlopha kaofela se dumellana le ntlha e nngwe le e nngwe, e le hore o kgone ho kenya tshebetsong diqeto hamorao.
Dintho di ngata tse ka bakang kgohlano mabapi le diterekere le disebediswa tse kopanetsweng tsa setjhaba.
Na batho ba tlamehile ho lefa ha ba lokela ho sebedisa disebediswa tsee, ha eba ho jwalo, hobaneng?
Batho ba tshwanetse ho lefa mang hore ba sebedise disebediswa?
Ha eba ba tshwanetse ho lefa, ditefello di tla hlophiswa jwang - ka hora kapa hekthara ka nngwe?
Batho ba bangata ba batla ho sebedisa sesebediswa ka letsatsi le le leng.
Molemi ya itseng o na le masimo a mangata, mme o batla ho sebetsa masimo a hae kaofela - ha balemi ba bang bona ba ena le sekotwana se le seng sa mobu. Ho tla sebetswa dihekthara tse kae motho ka mong?
Balemi ba tla fumana diesel hokae Na motho ka mong o tlamehile ho ithekela moqomo o tletseng karatjheng ya peterole, kapa sehlopha se tla ba le tanka e kgolo moo e mong le e mong a tla iqhatsetsa diesel?
Ha eba diesel e rekwa e le ngata, ke mang ya tla jara boikarabelo ba tshebediso ya yona Ke mang motho ya jarang boikarabelo?
Na diesel e tla rekwa le ho rekiswa ka theko e tshwanang, kapa sehlopha se tla iketsetsa phaello e itseng, e tla sebedisetswa ditshenyehelo tse ding tsa tlhokomelo?
Ha eba ho hong ho robeha terekereng, ke mang ya jarang boikarabelo ba ditokiso?
Hoba terekere e sebediswe, na e tshwanetse ho kgutliswa tanka e tletse diesel?
Bakganni ba diterekere - na di ka kgannwa ke mang le mang, kapa e tshwanetse ho ba ya kgethilweng, kapa bonyane, motho ya nang le lengolo la ho kganna terekere?
Sesebediswa se filwe mang?
Na "beng" ba itotobaditse ka mabitso mohlala, na sesebediswa sena se tla sebediswa feela ke palo e itseng, e nyane, ya batho, kapa mang le mang wa setjhaba a ka nna a se sebedisa?
Sepheo sa sehlooho sa sesebediswa sena ke sefe na ke ho lema masimo, kapa se ka nna sa sebedisetswa ho tsamaisa thepa?
Sesebediswa se tshwanetse ho bolokwa hokae - sebakeng se itseng sa polokelo, kapa mahaeng a batho?
Tshebeletso (service) ya diterekere e tla ba hokae?
Ke mang ya tla boloka direkoto tsa hore di ile tsa fumana "service" neng?
Na beng ba lemoha boikarabelo ba bona mabapi le sesebediswa?
Na meralo e teng e lokelang ho latelwa ha ho sebediswa sesebediswa?
Ke mang ya nang le tokelo sesebedisweng, le hore neng?
Ke mang ya lokelang ho se sebedisa?
Ho buselletswa ditshenyehelo?
"Service" le ditokiso?
Kwetliso ya basebedisi?
Mehato ya paballeho?
Ho kenngwa ha diterekere le disebediswa tse ding?
Inshorense diterekereng le disebedisweng?
Tekolo ya boemo ba diterekere le disebediswa?
Dikonteraka le basebedisi ha eba motho a lefelwa ho kganna, jj.
Konteraka le monga thepa/masimo - se lokelang ho etswa, maemong afe?
Dinako tse behilweng?
Mehato e latelwang mabapi le metako (calibration) ya difafatsi le diplantere?
Tsamaiso ka mora mosebetsi o mong le o mong - mohlala, ka mora ho fafatsa masimo, rekoto ya dikhemikhale tse sebedisitsweng e reng?
Phumano le tefello ya diesel?
Ke mang ya nang le tokelo ya ho kganna terekere ke mang ya ka kopuwang ho kganna terekere?
Na kwetliso e teng e ka thusang bakganni?
Ke mang ya tla kwetlisa mokganni mabapi le terekere ho ya ka bukana e tataisang mokganni?
Ke mang ya jarang boikarabelo mabapi le tlhokomelo ya bakganni?
Na terekere ka nngwe e na le mokganni a le mong, kapa batho ba fapaneng ba kganna terekere ka nako tse fapaneng?
Ha eba bakganni ba le bangata, ke mang ya jarang boikarabelo terekereng?
Ke mang ya jarang boikarabelo ba ho hlahloba terekere hoseng ho hong le ho hong pele e ilo sebetsa masimong?
Ke mang ya tshwanetseng ho nnetefatsa hore boemo ba terekere ba letsatsi ka leng bo dula bo le maemong a matle?
Na dintho di teng, le yona menyetla moo diterekere le disebediswa tse ding di ka hlwekiswang teng?
Pehelo e ka etswa ho mang mabapi le mathata a leng teng?
Ke efe mehato e lokelang ho latelwa mabapi le ho lokisa diphoso?
<fn>PulaImvula. MechanisationMaize.2009-05.st.txt</fn>
Ha eba o rerile ho ba molemi ya hwebang ka dijothollo, ha ho no nka nako pele o lemoha bohlokwa ba metjhine - diterekere, dithusatshebetso le metjhine. Tshimolohong, ha o sebetsa masimong a manyane, o ne o kgona ho etsa mosebetsi ka matsoho, kapa ho sebedisa terekere ya phoofolo (ditonki le dipholo). Le ha ho le jwalo, hang ha o simolla ho sebetsana le mobu wa dihekthara tse ngata, o tla rata ho sebedisa metjhine hore o kgone ho phetha mosebetsi o mongata nakong e nyane.
Re lemohile hore balemi ba bangata ba sitwa ho tswela pele, e ka ba hobane ba hloka diterekere tse lekaneng le metjhine, kapa e ka ba hobane disebediswa tsena tsa bona di le maemong a kgathetseng. Terekere ha e thuse molemi ka letho ha e sitwa ho sebetsa - ho sa kgathaletsehe hore lebaka ke lefe.
Hlahloba boemo ba oli le metsi.
Fumana rekoto ya ho sebetswa (service) ha terekere.
Sheba boemo ba dithaere.
Sheba ho tshwehla ha oli - ha ho a tshwanela ho ba teng.
Dumisa terekere, mme o mamele enjene.
Kganna, mme o hlahlobe ho sebetsa ha clutch le dikere (gears).
Hokela sebediswa, mme o hlahlobe 'lift' le sisteme ya hydraulike.
Na PTO e a sebetsa?
Na gauge hammoho le mabone a kgantshang di a sebetsa?
Hula sesebediswa, mme o bone ha eba terekere e na le matla.
Fumana hore ke plantere ya mofuta ofe - ke plantere ya polata, plantere ya vacuum kapa ke ya mofuta wa monwana (finger mechanism)?
Plantere e ka lema mela e mekae?
Hokela plantere terekereng. Kenya peo le manyolo ka hara dihopper. Kganna terekere sebaka sa dimithara tse ka bang 10, mme o hlahlobe hore mela kaofela e a sebetsa. Ha eba peo le/kapa manyolo a sa tswe le lesobeng jwalo ka ha ho lebelletswe, ka hloko hlahloba dikarolo tse tsamayang hore o kgone ho hlwaya phoso.
Ikgodise hore na ho teng dipoleiti tse ding tsa tlatsetso tsa plantere (ha eba e le plantere ya dipoleiti).
Pele o hokela sefafatsi, hlahloba oli ka pompong.
Hokela sefafatsi, o se hokele ho PTO. Etsa hore sefafatsi se sebetse, mme o hlahlobe hore na melongwana kaofela e a fafatsa.
Hlahloba kgatello (pressure).
Ha eba mathata a teng, fumana hore e ka ba ba mofuta ofe - na ke pompo, filthara kapa melongwana?
Ha eba sefafatsi ha se maemong a matle a tshebetso, na se ka lokiswa?
Hlahloba foreimi - na e kobehile kapa e peperane (Sheba mengwapo moo ho tjheselleditsweng)?
Hlahloba diboutu kaofela le moo ho hoketsweng teng.
Hlahloba dikarolo tse thetsanang le mobu (dikere le didiski) - na ho hlokahala tse ntjha?
Hlahloba dipeipi le dipompo tsa hydraulike - na di sa le boemong bo botle ba tshebetso, mme ha di dutle?
Hlahloba mabidi - hore a tletse hantle.
Hlahloba dibering (bearings) sesebedisweng - na tsohle di tlotsitswe ka kerise (grease), mme na di sebetsa hantle?
Etsa bonnete hore o etsa tekolo e phethahetseng ya diterekere le disebediswa kaofela e le hore o se ke wa leka ho sebetsa masimo a batsi ho feta ka moo sesebediswa se kgonang ka teng. Ho molemo ho etsa phaello dihekthareng tse nyane ho ena le ho ba le tahlehelo palong e kgolo ya dihekthara. Wena sebetsa feela boholo ba masimo boo o ka bo sebetsang ka nepo.
<fn>PulaImvula. Member(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Ke ba setho sa Grain SA jwang?
Molemi e mong le e mong wa dijothollo a ka nna a ba setho sa Grain South Africa. Ho teng mefuta e fapaneng ya ho ba setho mokgatlong ona, empa mekgwa e tlwaelehileng haholo ke ho ba ditho tse keneng kgwebong, le ditho tsa sehlopha sa boithuto.
Makgetho a lefuwang hore motho e be setho se phethahetseng se keneng kgwebong ke R2 tone ka nngwe mabapi le tone ka nngwe e hlahiswang, mme bonyane ba tjhelete e lefuwang e le lekgetho ke R570 (ho kenyelleditswe VAT).
Botho ba sehlopha sa boithuto bo ja R10 setho ka seng ka selemo. Haeba batho ba teng ba ratang ho kena sehlopheng sa boithuto le ho ba ditho tsa Grain SA, ikopanyeng le Ofisiri ya Ntshetsopele e haufi le wena, mme mabitso le dinomoro di hlahella leqepheng le ka morao la lengolo lena. Sepheo sa sehlopha sa boithuto ke ho ba le dikopano tsa kgafetsa moo ho tshohlwang dintlha tsohle tse amanang le tlhahiso ya dijothollo. Ho ba setho sa sehlopha sa boithuto ho boetse ho bolela hore o na le monyetla wa ho kenela dithuto tsa kwetliso tseo Grain SA e fanang ka tsona nakong yohle ya selemo.
Re tshepa hore balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha e tla ba ditho tse tletseng tsa Grain SA, tse keneng kgwebong, mme sena se phethahala ha ditho tsena di lefa lekgetho la tsona la R2 tone ka nngwe e kotulwang. Grain SA e hloka botho ba hao e le hore letsholong la balemi ba dijothollo bohle re kgone ho ema le ho bua re le ntswe leng jwalo ka balemi ba Afrika Borwa.
<fn>PulaImvula. Miss(maize).2010-10-13.st.txt</fn>
Grabber: Bula mahlo, menyetla e metle ya hao e ka nna ya itlhahisa haufinyana ho feta ka moo o lebelletseng ka teng!
Grabber: Se tshwarahane le mesebetsi hoo o fetwang ke menyetla e metle e hlokolosi tlhahisong e atlehileng ya dijothollo.
Ha esale balemi ba itshetlehile ka sehla se seng le se seng sa dijothollo hore e tla ba se setle, mme boholo ba mesebetsi ba e rera sehleng se le seng selemo le selemo. Nakong ena e kgutshwane, hangata monyetla o motle o hlaha ha nngwe feela. Balemi hangata ba fetwa ke menyetla e meholo ya ho baballa ditshenyehelo kapa ho qoba tahlehelo e kgolo hobane ba lesisitheho ho etsa dintho ka nako.
Menyetla e mengata e ka nna ya hlaha nakong ya boitokiso pele ho ho jalwa hammoho le sehleng sohle sa kgolo ya dimela.
Dula o butse mahlo o shebile menyetla e ikgethileng ya boleng bo botle. Iponele ka bowena nakong ya sehla, mme o shebe tshebetso ya dihlahiswa tse sebediswang masimong a hao. Sena se tla o thusa ho etsa diqeto tse ntle le ho kgetha sehlahiswa se setle ka ho fetisisa. Ntshetsa pele bokgoni ba hao ba ho fofonela. Tereilara e seng e kile ya sebediswa, e rekiswang fantising, e ka nna ya eba monyetla wa bohlokwa bophelong ba hao.
Ona ke monyetla oo hangata o fetang balemi ba bangata. Hangata metjhine e tlohetsweng feela e kgannela tiehisong e sa hlokahaleng. Nako e ntle ya ho hlokomela disebediswa tsa hao ke hang feela qetellong ya sehla sa ho jala. Ha disebediswa di hlwekiswa, mme di bolokwa setorong, mme di tshireletswa mafomeng, ho tla hlokahala nako e nyane le ditshenyehelo tse nyane hore di lokisetswe ho sebetsa. Ho itokisa le ho emela feela ha phala e lla nakong ya maemo a matle a ho jala ho tla o fa motlotlo wa hore tsohle di tlasa taolo ya hao.
Sekgohola se le seng se matla se ka baka tshenyo masimong a hao a dijothollo. Hang ha mobu wa bohlokwa o ka hodimo o hoholwa, ho boima hore o ka boela wa fumanwa hape. Le hoja paballo ya mobu e le karolo ya nako e telele lenaneong la ntshetsopele ya polasi, balemi ba tshwanetse ho dula ba shebile dibaka tse ka nnang tsa eba le kgoholeho. Sekgohola se bang teng polasing ya hao se itlhahela se sa lebellwa. Hang ha o lemoha bofokodi bo itseng, se senye nako, lokisa kapele ka moo ho kgonahalang ka teng. Hoo e ka nna ya eba monyetla wa hao o motle ho qoba tshenyo mobung wa hao o bohlokwa.
Taolong e ntle ya mahola pooneng, mohlala, ho teng dibolayalehola tse ntle (dihlahiswa tsa dikhemikhale tse laolang mahola) tse fumanehang. Le tsona dibolayalehola tse ntle di kgona ho sebetsa ka katleho ha maemo a le matle. Ka hoo, sebedisa monyetla letsatsing leo maemo a lehodimo a leng matle, eseng mohlang ho le meya kapa maemong a motjheso o moholo kapa komello e kgolo. Hangata ho molemo ha mahola a sa ntse a le manyane. Ketelo ya kgafetsa ho hlahloba mehato ya tswelopele ya dijothollo le mahola e bohlokwa haholo. Se ke wa behela letsatsi le leng. Laola mahola a sa ntse a le manyane.
Dikokwanyana tse kang sesedi di ka baka tshenyo e kgolo pooneng le mabeleng. Tshenyo e ka ba teng nakong e kgutshwane. Palo e kgolo ya larvae tsa dikokwanyana ka hara semela e ka laolwa ka katleho ka dibolayakokwanyana tse itseng. Ha mehato ya taolo e sa nkuwe hanghang, nnete ke hore mehato eo e ka nna ya nyopa. Lebaka ke hobane ha sejothollo se ntse se hola, se fetela mohatong o latelang, kapa boholo ba larvae bo ntse bo eketseha, khemikhale le yona e fokollwa ke matla. Ho hlwela dijothollo kgafetsa le ka mokgwa o phethahetseng ho tla thusa ho tseba nako e ntle ya taolo ya dikokwanyana.
Dijothollo tse ding di batla ho kotulwa ka nako e nepahetseng. Matokomaneng, kuno e sa hlokahaleng kapa tahlehelo ya boleng ba dijothollo e ka nna ya eba teng ha eba ho kotulwa e sa le pele haholo kapa ha nako e se e ile haholo. Ho etsa qeto mabapi le nako e ntle ya ho kotula, molemi o tshwanetse ho sheba dintho tse ngatanyana, tse kang mmala wa peo, maemo a tlelaemete le boteng ba malwetse. Mabapi le dinawa tsa soya, ho pshatleha ha peo ke ntho e ka etsahalang masimong ha semela se fihla boemong ba ho butswa. Ha ho kotulwa nako e se e ile haholo, molemi a ka nna a iphumana a shebane le tahlehelo e kgolo ya ho pshatleha ha peo. Se ke wa fetwa ke monyetla, empa fumana sejothollo se seng le se seng nakong ya kotulo.
<fn>PulaImvula. MmeJane(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Le hoja ho etswa boiteko bo boholo ba ho laola mahola, re se re lemohile hore haholoholo sehleng sena se metsi, balemi ba bangata ba ile ba tshwara bothata ba ho laola mahola. Lemo sena e bile mohlala o motle wa hore taolo ya mahola ka dikhemikhale ke yona tsela e ntle! Hangata masimo a bile metsi haholo, mme balemi ba ile ba tshwanela ho lema pakeng tsa mela maemong a jwalo, mme balemi ba ile ba hlolwa ke ntwa kgahlanong le mahola.
Ena ke nako e ntle ya ho sheba masimo a hao hore o ele hloko mathata ao o tla shebana le ona lemong se tlang. Mahola ha a tshwanela ho o makatsa le ka mohla - e ka nna ya ba mahola a dilemo, a bileng teng dihleng tse ngata, kapa mahola a lemo se tlang a tla fetoha mahola a wetseng mobung nakong ya sehla sena.
Se ke wa kgathala, weso.
Se ke wa tlohela mahola, empa a laole pele a ata.
Hlwaya mahola ka nepo e le hore o tsebe sera sa hao le ho nka mehato ya ho se laola.
Le ka mohla o se dumelle semela sa lehola hore se etse peo; mahola a mangata a nako e telele a ata ka peo le ka semela.
Laola mahola ka tlhahiso ya sejwalejwale ya sejothollo. Hopola ho fuputsa taba ya dibolayalehola tse ka sebediswang ho fedisa mahola.
Se ke wa dumella mahola ho hola ka bolokolohi dintlheng tsa masimo. Tshwaetso e mpe e simolla mona, mme e qetella e kene masimong.
Etsa bonnete hore tshingwana ya hao ya peo e ntle. Ha ho a tshwanela ho ba teng mahola pele o jala. Hona ho tla fa peo sebaka sa ho tswela pele ntle le phehisano ya letho.
Haeba mahola a dihla tsohle a le teng, nahana taba ya ho sebedisa mokgwa wa temo wa no-till e le hore o laole mahola ka dikhemikhale.
Phethola mobu moo mahola a dihla tsohle a leng teng. Ho phethola mobu ho ama mahola hampe. (Sheba ntlha eo re qetang ho e bolela (ya bosupa) hodimo mona, ka nako e nngwe taolo ka dikhemikhale ke yona kgetho e ntle).
Ela hloko hore o se ke wa iphumana o jala mahola ka metjhine ka ho isa dikarolwana tsa metso, dikutu masimong a hlwekileng ka sesebediswa sa hao. Ho tata ha ho fihla masimong a mang ho ka etsa hore batho ba se ele hloko taba ya ho peita sesebediswa sa bona.
Tshwaya dibaka masimong a hao moo ho nang le mahola nakong ya hwetla e le hore o kgone ho a laola sehleng se tlang.
Ka lehlohonolo ditheko tsa dijothollo kaofela di bonahala di phahama - Ruri ke tshepa hore tshekamelo ena e tla tswela pele jwalo hore wena, molemi, o kgone ho fumana phaello ha o qeta ho kotula le ho rekisa dijothollo tsa hao. Hopola hore temo ha se feela mokgwa wa ho iphelela - ke kgwebo, mme wena o tshwanetse ho tsepamisa maikutlo tabeng ya ho etsa phaello hore o be molemi wa makgonthe, ya ikemetseng ka maoto. Mphemphe e a lapisa!
<fn>PulaImvula. MmeJane(maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Moraorao tjena ba kgaso ba bonahala ba tlaleha haholo ka botlokotsebe le bobodu. Ho etsahala eng ka batho ba rona, ka maemo a rona le ka boitshwaro ba rona Mohlomong ke nako hore re ke re bue ka boitshwaro?
Boitshwaro ka kakaretso bo kenyelletsa maikutlo, ho itshwara, tlhompho, puisano le kamano - ka moo motho a phelang ka teng le ba bang. Potso eo re nkang hore ke nnete maemong ana e kenyelletsa se nepahetseng, se amohelehang kgahlanong le se fosahetseng, se patehileng.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ho bile teng dikhamphane le batho bao boitshwaro ba bona bo bileng bobe, mme ba ba le sekgahla se sebe ho ba bang. Sena se kenyelleditse batho ba itjhebelang kwana thoko ha batho ba bang ba etsa dintho tse mpe.
Boitshwaro ka kakaretso, jwalo ka botshepehi, ho etsa mosebetsi hantle, ho ananela seo e mong a se etsang, ho ba le sepheo se itseng le maikutlo/ho ba karolo ya ponelopele kapa morero o itseng, ke taba ya bohlokwa. Ha re a tshwanela feela ho batla ho etsa, empa re tshwanetse ho lakatsa ho etsa se nepahetseng. Boitshwaro ka kakaretso ke dintho tsa ka hare, tse tswang ka hare ho motho.
Temong ho teng menyetla e mengata ya ho bua leshano le ho sebetsa ka bolotsana. Nahana feela ka batho ba adimang tjhelete empa ba sa lefe molato ha ba fumane dijothollo tsa bona; kapa batho ba jalang dijothollo, mme ba di kotula, empa ba etsa eka ha ba a ka ba kotula letho; kapa batho ba adimang tjhelete ho ya jala palo e itseng ya dihekthara, athe ha ba eo jala tse kaalo (ka hoo ba sa sebedise tsohle masimong jwalo ka ha ho ne ho rerilwe). Batho ba sa tshepahaleng dikonterakeng tseo ba di entseng, batho ba itshireletsang ka mabaka a hore hobaneng ba sa sebetse ka thata, batho ba rekisang dintho tseo e seng tsa bona, le batho ba rekang dintho tsa boshodulenane le ka nna la tswela pele.
Haeba re ilo hloma lefapha la temo naheng ya rona, re tshwanetse ho kgutlela dintlheng tse ntle tsa motheho, e leng botshepehi, ho sebetsa ka thata, seriti le tlhompho. E mong le e mong, hammoho le mafapha a mmuso, re tlamehile ho etsa mosebetsi o nepahetseng wa letsatsi. Ona ke wona mokgwa feela wa ho atleha. Haeba o ilo fetola mokgwa oo dintho di etswang ka teng - qala ka ho fetola wena pele. Etella pele ka ho ba mohlala, ka ho tshepahala. A re ke re kgutleleng mane moo re ka buang ka sebete ra re: lentswe la ka ke tlhompho ya ka.
<fn>PulaImvula. MmeJaneSays.2011-06-07.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
E bile thabo e kaakang ho ba karolo ya baahlodi phehisanong ya Molemi wa Selemo! Dilemo tse ngata e bile tsa ntshetsopele ya lenaneo, mme e bile ntho e thabisang ho boela re bona mehato e phahameng e fihlellwang ke ba bang ba balemi. Ho qolla bahlodi ba bararo ba sehlooho ho bile thata hobane kaofela ba ne ba sebeditse hantle haholo!
Le hoja ho thabisitse, mme re kgotsofetse ho bona tswelopele ya ba babg ba balemi, empa ho kgathaditse matla ho lemoha hore batho ba bang ha ba tswele pele. Ka bomadimabe, re sa ntse re bona ba bang ba balemi ba sa etseng dintho ka nepo - tokiso ya mobu, manyolo, kgetho e nepahetseng ya peo, le taolo ya mahola. Ha o sa etse dintho tsa motheo ka nepo, o ke ke wa ba mohwebi wa makgonthe.
Hangata batho ba bolela hore ba sitwa ho latela ditlwaelo tse nepahetseng, mme ba fana ka mabaka a mangata - ba bang motho o re ha ke na terekere, e mong o beha molato ditjeong tsa peo le manyolo, ha e mong a beha molato mmusong. Haeba o rata ho ba molemi wa sebele, o tlamehile ho etsa moralo. Re se re ile ra bona dimela tse ntle di jetswe ka matsoho - sekotwana se senyane sa tshimo se ka nna sa hlahisa dijothollo tse ntle haeba o lokisa mobu hantle, o sebedisa peo e nepahetseng le manyolo, mme o laola mahola. Ho molemo haholo ho jala sebaka se senyane (seo o ka se kgonang), mme wa etsa tsohle ka nepo, ho ena le ho lema sebaka se seholohadi empa o sa se hlokomele hantle ka lebaka lefe kapa lefe. Hang ha o se o tseba ho sebetsana le sebaka se senyane hantle, jwale o ka atolosa sebaka seo o sebetsanang le sona.
Re tlamehile ho hopola hore lenaneo lena la Grain SA la ntshetsopele le tshehetswa ka ditjhelete ke ba truste ya dijothollo (ka ho qolleha ba Maize Trust), mme bao ba thusang ka ditjhelete ba lebelletse ho bona tswelopele. Ha e le siyo mane masimong, re tla tlameha ho emisa ka lenaneo dibakeng tse jwalo. Ruri e tla ba letsatsi le lebe haholo ha re tlameha ho emisa ka thuso ho balemi - le ha ho le jwalo, hona ho matsohong a hao. Haeba tshehetso le kwetliso eo re fanang ka yona e na le molemo ho wena, o tla tshwanela ho kenya tshebetsong ya hao ya tlhahiso diphetoho tse hlokahalang. Ho boima ho ba molemi ya atlehileng, empa sena se matsohong a hao ruri - re teng ho o thusa ka tshehetso le kwetliso yohle ka moo re kgonang ka teng, empa le wena o tshwanetse ho fetola mekgwa ya hao ya tshebetso!
<fn>PulaImvula. MmeJaneSays.2011-07-07.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Mona lengolong lena la Pula, ka dilemo tse ngata re ile ra tsepamisa maikutlo a rona temong le tlhahisong, mme ka nako tse ding ra lebala hore ka ntle ho molemi, ho hang ha ho tlahiso, ha ho dijo, ha ho tshwele. Na o tseba bohlokwa ba hao Na o a tseba hore ke wena ya fepang lefatshe?
Kaofela re qoba taba ya ho bua ka HIV le AIDS - jwalo ka hoja eka ke thohako ditjhabeng tsa lefatshe. Ha re ke re tadima ba bang hore ba rohakilwe ha ba ena le kgatello e phahameng ya madi, kapa lefu la tswekere kapa kankere. Ke dumela ruri hore re tshwanetse ho sheba HIV le AIDS ka mokgwa o jwalo. Kokwanahloko e hlasela mmele o tiileng wa motho le ho bula mamati hore malwetse a mang a kene, mme a o bolaye. Taba e monate ke hore o ka nna wa phela hantle, wa ba le bophelo bo botle le ha o ntso na le HIV.
Re tshwanetse ho etsa eng?
Etsa diteko tsa HIV hore o tsebe boemo ba hao. "Tsebo ke matla".
Haeba o ena le kokokwanahloko ya HIV, fumana phekolo tlelenikeng. Se ke wa kgotsofalla phekolo e fokolang tlelenikeng efe kapa efe, empa etsa bonnete hore haeba o lokela ho fumana dipilisi tsa anti-retro virals (ARV) (ho ya ka cd 4 count tsa hao), o di fumana nako le nako, le hore o di sebedisa jwalo ka ha ho lokela. Hajwale ha ho pheko ya HIV, empa e a laoleha, mme o ka nna wa phela bophelo bo phethahetseng, bo bolelele, haeba o e laola ka tshwanelo.
Haeba o se o entse diteko tsa HIV, mme wa fumanwa o ena le yona, tswela pele ho etsa le diteko tsa TB. Haeba masole a mmele wa hao a fokola haholo ka baka la HIV, ho bonolo hore o ka tshwarwa ke TB. Ke TB e etsang hore o hloke takatso ya dijo, e o kgohledisang, e etsang hore mmele o theohe ka boima. Etsa bonnete hore haeba o na le TB o fumana phekolo - TB e a phekoleha!
Ka lehlakoreng le leng, haeba o entse diteko tsa TB, mme ha fumanwa hore o na le yona, etsa diteko tsa HIV - ho ka nna ha etsahala hore ebe o kenwe ke TB ka ha masole a mmele wa hao a ne a fokola.
Ha ho hlokahale hore motho ofe kapa ofe a shwe hobane feela a ena le HIV - o tshwanetse ho tseba boemo ba hao, le ho fumana phekolo. Eya ditekong, mme haeba HIV e le teng, fumana phekolo ka ho panya ha leihlo. Re sa le hloka kaofela ha lona!
<fn>PulaImvula. MmeJaneSays.2011-09-27.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Nako le nako re tshwanela ho kgefutsa hanyane le ho ipotsa dipotso hore na re etsang. Tekong ya ho fumana karabo e hlakileng, re boetse re tshwanela ho bolela hore ke sefe seo re sa se etseng.
Ha re sebedise borakonteraka ba basweu ho kganna tsa temo mobung wa batho ba batsho.
Ha re etsetse batho ba bang temo.
Ha re leke ho fa batho ba bang menyetla ya temo eo ba bileng le yona nakong e fetileng.
Ha re thetse batho ka ho beha ba bang ka pele, rona re le ka morao.
Ha re leke ho etsa hore BEE e fane ka dintlha ho ba rekang dihlahiswa tsena.
Ha re leke ho etsa hore BEE e fane ka dintlha ho bao re fumanang dikenngwamobung ho bona.
Re etsa eng he?
Re ntshetsa pele balemi ba batsho - ba ikemetseng, ba tshwarellang.
Re kwetlisa balemi ba batsho ho utlwisisa mabaka a seo ba se etsang.
Re kgothatsa balemi ho sebedisa mehlodi ya tlhaho ka ho phethahala.
Re bontsha balemi ba batsho mokgwa wa ho hlokomela masimo ao ba a sebedisang.
Re thusa batho ka seo ba nang le sona, ho ikenyetsa tjhelete le ho hlahisa dijo tsa bona, tsa setjhaba le tsa naha.
Re fetola sefahleho sa temo - ho tloha indastering e okametsweng ke ba basweu ho ya ho eo ruri e emetseng bohle ba meetlo le merabe yohle.
Re thusa batho ho fumana mobu - o kopanetsweng wa setjhaba, kapa o hirilweng, kapa wa bona (ho sebedisa mobu ka mokgwa o tshwarellang le o nang le phaello).
Re leka ho sebetsa le mafapha ohle a mmuso ho hokahanya tshehetso e fuwang balemi.
Re rala meralo hore balemi ba kgone ho ba le metjhine le disebediswa tsa temo.
Re etsa maqheka a ho fumana ditjhelete tsa thuso tse tswang mafapheng.
Hangata ke swaba molomo ho feta nko ha ke utlwa hore batho ba kena temong lebitsong la batho ba batsho. Batho ba bang kapa mekgatlo e meng e itseng e sebedisa masimo ho ithuisa, mme e bitsa sena "ntshetsopele ya molemi". Haeba o le molemi e mosweu ya sebedisang masimo a molemi e motsho - a hire, kapa o a lefelle (reke), mme o bolele nnete hore o a hirile, mme jwale o itemela ona. O se ke wa ikgakanya eka o thusa balemi!
<fn>PulaImvula. MmeJaneSays.st.txt</fn>
Mme Jane o re...
Ditabeng tsa moraorao tjena, ho bile le ditaba tse ngata tse mabapi le Mokgatlo wa Liki ya Batjha wa ANC ha ho buuwa ka ditaba tsa mobu wa naha le ditaba tsa (ho boloka le merafo) mme ke taba e ntle ho bona ka moo batho ba fapaneng ba nahanag kateng ka ditaba tsa naha.
Ke bona naha e le mohlodi oo ho fumanwang dijo le faeba. Dintho tse ngata lefatsheng di a nyoloha nako le nako - batho, diphoofolo tsa lapeng - makoloi jwalojwalo. Empa ha e le naha yona e ke ke ya nyoloha- e a haella. Haeba o nahana hantle taba ya hore ho na le batho ba bangatangata, mme naha yona e nyane e a haella (hobane re tshwanela ho nahana hore batho ba sebedisa naha bakeng sa ho haha matlo a bona - ditoropo tse holang ho sebediswa naha), re tshwanela ho etsa bonnete ba hore karolwana e nngwe le e nngwe e sebediswa ka tshwanelo.
Afrika Borwa kajeno, re maemong a hlokolosi haholo ao boholo ba naha e sebediswang bakeng sa temo ya dihlahiswa tse ngata e leng ya mapolasi a ba basweu. Jwale ho na le maikutlo a ho nka naha ena ka mokgwa wa ho rekiswa le ho e fa batho ba batsho. Ka lehlakoreng le leng, ho ntse ho na le naha e ngata tlasa taolo ya makgotla a setso (tlasa taolo ya makgotla a setso) mme boholo ba naha ena ke bo sa sebedisweng. Ho boetse ho na le diheketara tse dikete tsa naha ya mapolasi e abetsweng diporokgeramo tsa mafapha a naha. Na se se etswa ka lebaka la mmala wa letlalo la motho Ho ya ka maikutlo a ka, TJHEE - hore o tle o be motho ya atlehileng, motho ya nang le ho honyane kapa rakgwebo e monyenyane ha se taba e tsamaelanang le mmala wa letlalo la motho?
Re a tseba hore ho ba sehwai se atlehileng, ho hlokakahala hore o be le tsebo le bokgoni, ho laola metjhine, mebaraka le taolo ya ditjhelete ho fumana tlhahiso e atlehileng. Ho fana feela ka naha ho batho ba bang ho ke ke ha ba etsa dihwai- haeba o eme ka karatjheng, ha o koloi! Haeba o na le naha, ha o sehwai. Haeba o batla ho bitswa sehwai, o tshwanela ho sebedisa naha ka tshwanelo - o sebetsa ka thata ho fumana dihlahiswa tse ngata ka moo o ka kgonang kateng.
Ke etsa phephetso ya hore re etse boiteko bo matla ba ho fa batho tshehetso yohle eo ba e hlokang bakeng sa naha eo ba seng ba na le yona e le hore karolwana e nngwe le e nngwe ya naha e fane ka tlhahiso bakeng sa setjhaba. Ha naha e sebediswa ka tshwanelo, ha ho hlakahale ho tshwenyeha ka dintho tse ding. Naha ke letlotlo la bohlokwa, mme haeba o na le monyetla wa ho fumana naha, o na le boikarabelo ba ho e sebedisa.
<fn>PulaImvula. Moisture(wheat).2011-03-14.st.txt</fn>
Dijothollo kaofela di hloka metsi hore di hole, mme ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa mabapi le tlhahiso ya dijothollo mabatoweng a komello ke ho fumaneha ha mongobo o lekaneng nakong ya tswelopele ya sejothollo sa koro.
Ho tloha kgweding ena, kgatiso ya Pula/Imvula ya koro e tla romellwa babadi bohle, eseng feela ho balemi ba buang puo ya Sesotho Foreisetata. Ka hoo, re tshwanetse ho hopola hore Kapa Bophirimela e na le tlelaemete ya Mediterranean, e leng se bolelang hore balemi ba moo ba fumana pula ya bona mariha, e leng sehla sa ho hola ha koro. Bohlokwa ba paballo ya mongobo wa mobu baleming ba koro Kapa ha bo bohlokwa haholo jwalo ka Afrika Borwa yohle moo re tshwanelang ho baballa pula ya lehlabula mobung hore dimela di kgone ho e sebedisa nakong tsa komello tsa mariha.
Tlhahiso ya dijothollo e hloka mongobo. Dijothollo tse fapaneng di na le ditlhoko tse fapaneng tsa mongobo, e leng taba e tshwanetseng ho nahanwa pele ho etswa qeto mabapi le hore ke sejothollo sefe se tshwanetseng ho jalwa. Mongobo o boetse o a hlokahala ho kgothaletsa ho rojwa (pshatlwa) ha masalla a dijothollo tsa nako e fetileng le ho eketsa moitedi mobung, e leng ho fa dijothollo menontsha e lokelang.
Ho ka nna ha etsahala hore ha o eso etse qeto ya hore o ilo jala koro kapa tjhe; qeto ya hao e tla itshetleha tabeng ya hore na o tla fumana phaello ka yona na, hammoho le morero wa hao wa nako e telele mabapi le masimo a hao. Balemi ba bangata ba nkile qeto ya ho jala dijothollo tse itseng ka ho latela phapantsho (rotation) e itseng, ba sa tsotelle ho fetofetoha ha nako e kgutshwane ha ditheko. Ho jala koro selemo le selemo ho bolela hore o tla ba le dijothollo nakong ya selemo se setle, le hore o na le koro e ka rekiswang nakong eo ditheko di phahameng ka yona (le hoja nnete ya maemo e fapana le sena - o tla nne o be le koro nakong ya dilemo tse mpe, mme o tla nne o tlamehe ho amohela ditheko tse tlase ha maemo a tlama jwalo).
Ho a hlokahala ho leka ho tiisa hore dijothollo tsa hao di tla fumana mongobo o lekaneng mobung nakong yohle ya sehla sa kgolo. Mebu yohle e ka boloka metsi, le hoja e meng e le metle haholo mabapi le ho boloka mongobo wa mobu. Mebu e lehlabathe haholo e sitwa ho boloka metsi, ka ha metsi a monyela feela, mme a a lahleha, ntle le haeba ho le teng lekgapetla le ke keng la phunyelletswa (lefika kapa letsopa) le tla thibela metsi ho feta feela ha bonolo. Mebu e nang le makgapetla a ke keng a phunyelletswa (mohlala, letsopa), ya botebo bo pakeng tsa 600 mm le 1 m ke yona e loketseng ho baballa mongobo wa metsi le tlhahiso ya selemo le selemo ya dijothollo. Mebu e mengata Foreisetata Botjhabela e dumellana hantle le tlhaloso ena, e leng se etsang hore e lokele tlhahiso ya koro ya mariha le hoja e le lebatowa la dipula tsa lehlabula.
Ntle le haeba o na le monyetla wa nosetso (irrigation), o tla tlameha ho beha tshepo ya hao puleng hore o fumane mongobo mobung. Bokahodimo bo lokolohileng ba mobu bo etsa hore metsi a monyele ha bonolo. O se o lemohile ka moo metsi a phallang ha bonolo ka teng mobung o thata. Masalla a dimela hodima mobu a thusa ho thopotheleng ha metsi; hape a nolofatsa ho rotha ha marothodi, mme a fana ka nako e teletsana ya hore metsi a monyele.
Metsi a bolokwa masobaneng a leng pakeng tsa dikarolwana tsa mobu. Mebu e a fapana - ke e lehlabathe, ya selokwe, e letsopa, mme mofuta ka mong wa mobu o boloka metsi ka ho fapana. E lehlabathe, ya selokwe le e letsopa e boloka palohare ya mongobo wa 25 mm 150 mm ka nngwe ya mobu. (Mobung wa botebo ba metso ba 1 m, ho a kgonahala ho boloka 180 mm ya pula). Bongata ba mongobo o ka bolokwang bo laolwa ke mofuta wa mobu, boemo ba popeho ya mobu, ho phetholwa ha ona, le botebo ba mobu.
Mongobo wa mobu o ka lahleha mobung ka baka la kganya ya letsatsi. Bokahodimo ba mobu bo a tjhesa, mme sena se eketsa moyafalo; ho tsamaya ha mongobo wa mobu pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho baka hore mongobo o nyolohele ka hodima mobu moo moyafalo e etsahalang teng; le ka ho hema ho bakwang ke mahola kapa dimela dife kapa dife tse ka tadingwang e le mahola (ona ke mokgwa wa sehlooho o bakang tahlehelo ya mongobo mobung).
Mokgwa o motle wa ho baballa mongobo ke ofe?
Etsa bonnete hore pula e welang mobung e kgona ho kenella mobung; boloka bokahodimo ba mobu bo le maemong a matle. Lekgapetla le ka hodima mobu le baka tshitiso e thata, mme metsi a boelang a ba teng a pula a imathela feela, mme a hohola mobu ho ena le ho monyela mobung.
Boloka masalla a dijalo tsa lemo se fetileng haholo ka moo ho kgonahalang ka teng e le ho fokotsa sekgahla sa marothodi a pula mobung, mme ka hoo, o kgona ho fokotsa ho ba teng ha lekgapetla le thata. Hopola hore ntle le ho pshatlwa ha masalla a dimela, sejothollo se ka nna sa hloka manyolo a tlatsetso a nitrojene ka baka la ho dieha ha ho ntshwa ha menontsha e ntseng e le teng masalleng a sejothollo.
Ka mora dipula tse matla, pshatla lekgapetla leo e ka nnang yaba le teng bokahodimong ba mobu. Lekgapetla ha le thibele feela ho monyela ha pula ho boetseng ho le teng, empa le boetse le kgothaletsa tahlehelo ya mongobo ka baka la motjheso o teng ka hodima mobu.
Etsa hore masimo a se be le mahola nakong yohle ho tloha nakong ya kotulo ya dijothollo tse fetileng ho fihlela ho jalweng ha dijothollo tse ntjha.
Bongata ba lerole hodima mobu bo thibela ketsahalo ya tahlehelo ya mongobo ka mokgwa wa moyafalo, e leng se etsang hore mongobo o tswe mobung le ho lahlehela sepakapakeng. Le hoja lerole le kgona ho monya motjheso wa letsatsi, moyafalo e etsahala butle haholo botebong bo ka hodimo ba 5 cm mobung o ommeng.
Matlakala e ka ba masalla a dijothollo (ka kakaretso) kapa matlakala a lerole/mobu le tla tshwanela ho dula le le teng nakong yohle eo ho phethotsweng mobu ka metjhine empa ho sa jalwa letho.
Dintlha tse itseng tsa tlhahiso ya dijothollo di hlokolosi haholo mabapi le katleho. O tshwanetse ho baballa mongobo ka hohle ka moo o ka kgonang ka teng, hape o tshwanetse ho tlosa mahola ka dinako tsohle. Mongobo ke e nngwe ya dintho tse kginang tswelopele ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo.
<fn>PulaImvula. MoistureMaize.2010-02.st.txt</fn>
Ntlha ya bohlokwa tlhahisong ya dijothollo dibakeng tsa komello ke boteng ba mongobo nakong ya kgolo le tswelopele ya sejothollo se itseng.
Tlhahisoleseding mabapi le bongata ba pula le hore e ka lebellwa neng e a fumaneha mabapi le lebatowa ka leng la Afrika Borwa (botsa lefapha la lehae la Temo). Sena se ka sebediswa feela e le tataiso moralong wa tlhahiso ya dijothollo.
Hobaneng re tshwanela ho baballa mongobo mobung?
Tlhaiso ya dijothollo e hloka mongobo - dijothollo tse fapaneng di na le ditlhoko tse fapaneng tsa mongobo tse tshwanetseng ho elwa hloko ha ho etswa qeto ya hore ho ka jalwa dijothollo dife.
Pula ya tlhaho ha se hore e tla na feela ka nako eo sejothollo ka seng se e hlokang ka yona.
Ka kakaretso, mabatowa a tlhahiso ya dijothollo Afrika Borwa ke a tlelaemete ya komello.
Ho a hlokahala ho etsa bonnete hore mongobo o lekaneng o ba teng nakong e nepahetseng ya ho jala hore peo e tsebe ho mela le metso e kgone ho tswela pele. Nako e nepahetseng ya ho jala e tla tshwanela ho ela hloko ditlhoko tsa semela tsa mongobo mehatong e hlokolosi ya tswelopele ho shebilwe dipula tsa selemo tse lebelletsweng nakong eo ya sehla (mohlala, ho itokisetsa nako ya dipula nakong eo poone e etsang bolepo, kapa nakong eo soneblomo e etsang dipalesa).
Ho kgothaletsa ho sileha ha masalla a dijothollo tsa nako e fetileng le ho eketsa manyolo mobung. Sena se etsa hore dimela di tle di fumane menontsha ya tsona.
Na mebu kaofela e ka boloka metsi?
Ho jwalo, le hoja mebu e lehlabathe haholo, e leng hodima mebu e kenellehang ha bonolo, e etsa hore metsi a se tshwarehe.
Mebu e sa kenelleheng ha bonolo (mohlala, letsopa) ya botebo ba 600 mm ho isa mithareng o le mong, e metle mabapi le paballo ya mongobo le tlhahiso ya selemo ya dijothollo.
Re ka potlakisa jwang ho monngwa ha pula ke mobu?
Ditlamatlama hodima mobu.
Mongobo o bolokwa jwang mobung?
Metsi a bolokwa pakeng tsa dikarolwana tsa mobu.
Mebu e a fapana, ho tloha ho wa lehlabathe, wa selokwe ho isa ho wa letsopa.
Mofuta ka mong wa mobu o boloka bongata bo fapaneng ba metsi.
Mobu o lehlabathe, o letsopa le o selokwe o ka boloka 25 mm ya mongobo ho 150 mm ka nngwe ya mobu. (Mobung o nang le metso ya botebo ba mithara o le mong, ho a kgonahala ho boloka 180 mm ya pula).
Tahlehelo ya mongobo mobung e bakwa ke eng?
Ho tjheswa ke letsatsi. Bokahodimo ba mobu bo a tjhesa, mme sena se eketsa tahlehelo ya metsi ka mokgwa wa ho moyafala.
Ho monngwa ha metsi mobung. Ona ke mokgwa wa ho tsamaya ha metsi pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho ya dikarolong tse ka hodimo tsa mobu moo ketso ya moyafalo e etsahalang teng.
Ho hema ha mahola kapa dimela dife le dife tse ka tadingwang e le lehola masimong. (Lena ke le leng la mabaka a sehlooho a bakang tahlehelo ya mongobo).
Re ka baballa mongobo ka mokgwa o hlwahlwa jwang?
Etsa bonnete hore pula e nang e monyela mobung le hore bokahodimo ba mobu bo maemong a matle. Lekgapetla le thata hodima mobu le baka tshitiso e etsang hore mobu o hoholele ho ena le ho monyela mobung.
Etsa hore bongata ba masalla a dijothollo tsa nako e fetileng bo a sala e le ho fokotsa sekgahla se matla sa marothodi a pula mobung. Etsa sena ho thibela makgapetla a thata a ka bang teng. Hopola hore ho ya ka bongata ba masalla a dijothollo tsa nako e fetileng, dijothollo di sa boetse di hloka tlatsetso ya manyolo a nang le nitrojene ka baka la menontsha e tswang butle ya masalla ao a dijothollo tsa nako e fetileng.
Ka mora pula tse matla, ptjhatla makgapetla a ka bang teng hodima mobu. Makgapetla ana ha a thibele feela ho monyela ha metsi a pula, empa a boetse a kgothaletsa ketsahalo ya "capillary" eo ka yona metsi a tsamayang pakeng tsa dikarolwana tsa mobu, mme a qetelle ka ho moyafala.
Hlokomela hore mahola a be siyo masimong a hao ho tloha nakong e fetileng ya kotulo ho fihlela nakong ya ho jala dijothollo tse hlahlamang.
Pokello ya mahlaku, dimela le ditlhaka hodima mobu "dust mulch" e thusa ho thibela ho tsamaya ha metsi pakeng tsa dikarolwana tsa mobu ho ya bokahodimong ba mobu moo a lahlehang teng ka ho moyafala. Le hoja pokeletso ena e monya motjheso wa letsatsi, ho moyafalo ha metsi ho etsahala ka sekgahla se senyane haholo sentimithareng tse 5 tse ka hodimo tsa "dust mulch".
Pokello ena e hodima mobu ka kakaretso re ka re ke masalla a dijothollo a tshwanetseng ho dula a le teng nakong yohle eo masimo a phethotsweng ka yona ka metjhine empa ho sa jalwa letho ho ona (fallow period).
Pakeng tsa dipula, ho bohlokwa hore masimo a dule a kupeditswe (dimela tsa nako e fetileng, mahlaku, jj.) ka sepheo sa ho thibela bongata ba metsi a ka lahlehang mobung.
<fn>PulaImvula. Money.2008-01.st.txt</fn>
Ke taba e tshwanetseng ho hopolwa hore sepheo sa bolemi ke ho fumana phaello. Ditjhelete tse ngata di a hlokahala ho lema poone, mme ditshenyehelo tse amanang le tlhahiso ya poone ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwahlokwa tsamaisong ya bolemi ba dijothollo.
Ho a hlokahala ho arola ditshenyehelo ka mekgahlelo e mmedi - tse tobileng, tse fetofetohang le tse ka hodimo, e leng tse sa fetoheng.
Tsena ke ditshenyehelo tse amanang le tsamaiso ya mosebetsi ohle wa polasi. Ke ditjeo tseo ho ke keng ha thwe di amana ka ho otloloha le ho jalwa ha sejothollo se itseng. ditjeo tsena di tswela pele ho sa kgathaletsehe hore ke nako efe ya selemo kapa sehla. Ditjeo tsena di kenyeleditse ditefello tsa hlahlobo ya dibuka, ditefello tsa banking, meputso, ditlhaphiso, metako, motlakase, laesense le makgetho, ditokiso, tsa tsamaiso, phaello dikadimong, ditjeo tsa makoloi, tse sebediswang ho ngola, jwalojwalo. Ditjeo tsena di ka nna tsa fapana haholo ho tloha ho molemi e mong ho ya ho e mong, ho itshetlehilwe ka; boholo ba polasi, boima bo jarwang, setaele le ditjeo ta tsamaiso.
Tsena ke ditjeo tseo ka ho otloloha ho ka thweng di amana le ho jalwa ha sejothollo se itseng. Ditshenyehelo tsena di kenyeleditse dintho tse kang diesel, manyolo, dikhemikhale, kotulo, mmaraka le mesebetsi e etswang ka nako tse itseng. Hangata, ditjeo tsena ke tse bapisehang ho ya ka hekthara ho sa kgathallehe hore ke mofuta ofe wa bolemi o etswang le hore ke kuno e kae ya sejothollo se lengwang.
Ho hlokolosi hore thero e nepahetseng ya ditjhelete e etswe pele ho ka jalwa sejothollo sefe kapa sefe. Ho molemo haholo ho itokisa le ho lema karolwana e nyane feela e le ho ba le monyetla o motle wa ho fumaana sejothollo. Ho teng ditjeo tse sa elweng hloko ha ho kenwa morerong wa ho jala dijothollo - tlase mona ke lenane la mekgwa ya ho phethola mobu e hlokahalang tlahisong ya dijothollo.
Ho alwa ha kalaka.
Diski ya masimo.
Ho hlathwa ha masimo.
Ho phetholwa ka tjhisele.
Tokiso ya tshingwana.
Ho fafatsa ka sebolayalehola le sebolayakokwanyana.
Ho alwa ha manyolo.
Ho fafatsa ha tlatsetso ka sebolayalehola le sebolayakokwanyana.
Teranseporoto ya dijothollo.
<fn>PulaImvula. Money.2010-04-01.st.txt</fn>
Shakespeare o kile a re, "Neither a borrower not a lender be, for loan of't loses both itself and friends" (Ha se moadimi, ha se moadimisani, hobane kadimo hangata e a lahleha, le yona metswalle). Ruri ena ke keletso e ntle eo motho le ka mohla a ke keng a ikwahlaya ka yona. Le ha ho le jwalo, ha eba o molemi kajeno, mohlomong o tla tlameha ho adima tjhelete ya ho kena temong.
Hobaneng balemi ba tshwanela ruri ho adima tjhelete?
Ebang o hloka masimo kapa ha o a hloke, kapa o mpa feela o hirile masimo, temo ke kgwebo, mme o tla hloka tjhelete hore kgwebo ya hao e tswele pele. Hape, eo e leng taba ha se hore o fumane masimo jwang. E ka nna yaba o motho ya ileng a kgutlisetswa mobu wa hao, kapa mohlomong o ile wa reka mobu ka tjhelete eo o ileng wa e fumana ka kgwebo e itseng - o tla hloka tjhelete ho kena temong.
Mobu o phahame ka theko, mme hangata batho ba ipotsa hore ba tla fumana tjhelete jwang ho fumana masimo. Ka bomadimabe, masimo ke karolo feela ya kgwebo. Haeba o tla hweba ka mehlape, o tla tshwanela ho reka mehlape (e ka ba dikgomo, dinku, dipodi, dikolobe kapa dikgoho). Haeba o tla ba molemi wa dijothollo kapa meroho, o tla tshwanela ho reka diterekere le disebediswa tsa temo hore o kgone ho lema mobu. Sena ha se pheletso, ka ha o sa ntse o tla hloka tjhelete ho reka tse kenngwang mobung (peo, manyolo, dikhemikhale, diesel, jwalojwalo). Ke ntho e tlwaelehileng ho tsetela haholo ho tse kenngwang mobung le metjhineng ho feta masimong.
Tabakgolo ke efe?
Ho adimana ka tjhelete ke kgwebo - motho e mong o bokelletse tjhelete eo a batlang ho e tsetela hore a fumane phaello ya yona. Ka mantswe a mang, monga tjhelete o batla ho etsa bonnete hore ha a lahlehelwe ke tjhelete, le hore ka mora nako ya kadimo, a fumane tjhelete e ngata ho feta eo a adimaneng ka yona. Tabakgolo mona ke ho kgasetsa mollong. Ha kotsi e eketseha ya ho lahlehelwa ke tjhelete, o lefa haholwanyane ho adima tjhelete. Tswala le yona e a phahama ya tjhelete eo o tla e lefa bakeng sa kadimo eo.
Hangata, ha o adima tjhelete, o tshwanela ho fana ka tshireletso e itseng. Sena se etsetswa hore hosane ha o sitwa ho lefa tjhelete ya kadimo, ya adimaneng ka tjhelete a kgone ho ithekisetsa thepa eo o entseng tshireletso ka yona hore tjhelete e tle e kgutle.
Nakong e fetileng, batho ba ne ba kadima tjhelete institusheneng e itseng, mme ha ba se ba hloleha ho kgutlisa tjhelete eo, ba ne ba eya institusheneng e nngwe moo ba ilo adima tjhelete e nngwe. Batho ba ne ba sa qobellwe ho phunya sephiri sa dikadimo tsohle tsa bona. Molao wa Naha wa Kadimo ya Tjhelete o fetotse maemo a ditaba, mme mokgatlo o adimanang ka tjhelete o ka nna wa fumanwa o le molato ka "ho adimana ka bohlaswa" haeba mokgatlo o adima motho tjhelete ya sitwang ho kgutlisa tjhelete eo. Pokello ya dintlha e teng mabapi le dikadimo tsohle, mme le ha ya kopang thuso a pepese dikolotso tsohle tsa hae (e leng seo a tshwanetseng ho se etsa), mokgatlo o adimanang ka tjhelete o ka fumana dintlha kaofela mabapi le molemi, le ho hana kopo ya hae ya kadimo.
Balemi hangata ha ba thabe ha kopo ya bona ya tjhelete e sa atlehe. Le ha ho le jwalo, ha o hloleha ho lefa molato wa hao wa kadimo, qetellong o tadingwa o le motho ya sitwang ho lefa melato ya hae, mme ho teng dintho dintho tse pedi tse mpe tse tla etsahala. Mokgatlo o adimanang ka tjhelete o tla lahlehelwa ke tjhelete, mme wena o tla ba le lebitso le lebe, e leng se ka o thibelang hore le ka mohla o adingwe tjhelete. Ruri ho bohlokwa ho elellwa hore tjhelete efe kapa efe e adimilweng e tshwanetse ho lefuwa - dikadimo ke dikadimo, ha se mpho kapa thuso tsa mahala.
Hobaneng ha balemi ba batjha ba dijothollo ba ena le bothata ba ho fumana tjhelete ya kadimo?
Bokgoni ba hao ba ho lefa molato wa kadimo ho ya ka tjhebelopele ya ho kena ha tjhelete tsa hao. Batho ba o adimang tjhelete ba tshwanetse ho tseba hore qetellong ya sehla o tla ba le tjhelete ya ho ba lefa. Ha re nka bohwai ba dijothollo jwalo ka mohlala, ho jala dijothollo tsa koro, o tla tshwanela ho tsetela tjhelete e kana ka R5 000 hekthareng ka nngwe. Ho ya ka theko ya jwale ya koro (sehleng se fetileng, balemi ba sitilwe ho fumana R2 000 tone ka nngwe), o tla tshwanela ho fumana kuno ya ditone tse 2,5 hekthara ka nngwe hore o kgone ho lekanya dintho. Hopola hore palohare ya kuno nakong e telele dibakeng tse ngata e tlase ho ditone tse pedi hekthara ka nngwe. Haeba molemi a batla ho adima tjhelete ho lema koro, ya mo adimang tjhelete o tla sheba kuno tsa nako e telele, ditheko tse lebelletsweng tsa koro, hammoho le ditjeo tsa ho hlahisa koro eo. Mohatong wa jwale, ha ho motho ya ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete ho balemi ba jalang koro - mme lebaka le a utlwahala. Tlhahiso ya koro ha e na phaello.
Phaello di tlase tjheleteng e tsetetsweng. Indasteri ya koro hajwale e maemong a hlokolosi, empa re tshwanetse ho hopola hore ka kakaretso tlhahiso ya dijothollo e tlasa kgatello e kgolo. Ho teng tlhahiso e fetang tekano ya dihlahiswa kaofela, e leng se theolang ditheko, ha ditjeo tsa tlhahiso tsona di phahame. Tshebeletso ena kaofela ha e na molemo o mokaalo. Maemong ana, mokgatlo o adimanang ka tjhelete ha o na thahasello ya ho adimana ka tjhelete ka ha moadimi o sitwa ho lefa mokgatlo phaello e ntle tjheleteng e tsetetsweng.
Boiphihlelo ba molemi. Ha o simolla ka kgwebo e ntjha kapa mosebetsi o itseng, o hloka boiphihlelo, mme o ka nna wa etsa diphoso. Ke se atisang ho etsahala ka balemi ba thuthuhang - ha ba na boiphihlelo ba dilemo le bopaki ba tseo ba di entseng. Sena se thatafatsa taba ya ho adingwa tjhelete.
Tshireletso mabapi le kadimo. Jwalo ka ha ho boletswe, monga tjhelete o batla ho tseba hore haeba wena o hloleha ho lefa tjhelete ya hae, na o tla kgona ho rekisa thepa ya hao ya peheletso hore a kgone ho fumana tjhelete ya hae na. Maemong a mangata, molemi o sitwa ho beheletsa ka masimo a hae (e leng tlwaelo kgwebong). Balemi ba bangata ha se beng ba masimo (jwalo ka mobung wa setjhaba le o hirilweng), kapa molemi a ka nna a ba le molato (bonto) ya pele e ngodisitsweng ka masimo ha ho rekwa thepa. Haeba molemi a sitwa ho fana ka tshireletso, ya mo adimang tjhelete a ka nna a hana ho mo adima yona ka baka la ho tshaba hore a ka nna a lahlehelwa ke tjhelete ya hae.
Balemi ba e pota ka hokae taba ya hore ka tlwaelo ba tshwanetse ho fana ka tshireletso pele ba thuswa ka tjhelete?
Tjhelete e hlokahalang mabapi le ho lema sejothollo e ka ba R4 500 hekthara ka nngwe (palohare ya ditjeo mabapi le puisano ena feela). Haeba molemi a lokela ho jala dihekthara tse 100, o tla tshwanela ho adima R450 000. Ena ke tjhelete e ngata haholo.
Ha re nka hore molemi o masimong a matle, lebatoweng la pula e ngata, moo kuno e lebelletsweng e leng e phahameng, moo ditheko tsa dijothollo di mo dumellang ho etsa phaello ka sejothollo seo, molemi a ka ikopanya le banka ya naha, kapa banka ya kgwebo, kapa ba agribusiness, kapa koporasi ya kadimo.
Re nka mona hore molemi o sitwa ho beha masimo a hae e le tshireletso kadimong ya tjhelete, le hore o tla tshwanela ho hlahisa ho hong jwalo ka tshireletso. Mona ke moo jwale ho kenang inshorense ya tse sebediswang mobung. Inshorense ya tse sebediswang mobung e reretswe ho tshireletsa mabapi le "diketso tsa Modimo", e seng ditlwaelo tse fokolang tsa temo. Ka mantswe a mang, molemi o tshwanetse ho ipapisa le mekgwa e metle ya bolemi, mme a be le kuno e amohelehang ya nako e telele hore a dumellwe inshorense. Khamphane ya inshorense e beha leihlo tswelopeleng ya molemi ho tloha qalong, mme e ka nna ya hana ho tshireletsa dijothollo mohatong ofe kapa ofe - khamphane e hlahloba mofuta wa mobu le botebo, ditlhophollo tsa disampole tsa mobu, tshebetso ya ho jala, kgetho ya mofuta wa peo, manyolo, pehelo ya ho hlaha ha peo, taolo ya mahola le dikokwanyana, mme ha tsena di se maemong a kgotsofatsang, khamphane e ka nna ya hana ho tshireletsa dijothollo.
"Diketso tsa Modimo" tseo molemi a tshireletswang kgahlanong le tsona, haeba inshorense e di amohetse, di ka kenyelletsa komello, serame, dikgohola, sefako le mollo. Hopola hore khamphane ha e tshireletse mabapi le mekgwa e fosahetseng ya temo. Haeba ho ba teng ho nyopa ha dijothollo ka baka la phoso ya hao, o ke ke wa tshireletswa ke inshorense.
Haeba o tshireletswa ke inshorense mabapi le tse sebediswang mobung, inshorense e fana ka tiisetso ya ditone tse itseng kapa tjhelete e kenang (ho teng maano a fapaneng a batlang a sebetsa ka ho fapana). Le ha ho le jwalo, inshorense e tshireletsa feela 60 - 65% ya boleng bo kentsweng tshireletsong. Jwalo ka mohlala, palohare ya kuno ya hao ya nako e telele ya karolo ya hao ke ditone tse 4 hekthara ka nngwe ya poone, e ka nnang ya ja R1 500 tone ka nngwe (ka hoo, boleng ba inshorense ba R6 000 hekthara ka nngwere), inshorense e tla tshireletsa feela 60% ya boleng boo, e leng R3 600 hekthara ka nngwe. Jwale o tla hopola hore re itse ditjeo tsa tlhahiso e ka ba R4 500 hekthara ka nngwe. Ka mantswe a mang, o tla tshireletswa ka tjhelete e ka tlase ho ya tlhahiso. Haeba wena o ne o le motho ya adimanang ka tjhelete, o ne o ke ke wa ikemisetsa ho adima molemi tjhelete, o tseba hore "ketso tsa Modimo" di ka etsa hore molemi a sitwe ho lefa tjhelete ya kadimo - le ha a ena le inshorense. Ho hopolwe hape hore inshorense ya tse sebediswang mobung e phahame ka theko - lemong se fetileng, balemi ba thuthuhang Foreisetata e ka Botjhabela ba ileng ba jala koro ba ile ba tlameha ho lefa tjhelete e fetang R850 hekthara ka nngwe inshorenseng ya bona.
Ke mekgatlo efe e ka thusang balemi ba batjha ka dijothollo le ka mehlape?
Jwalo ka ha ho bonahala puisanong e hodimo mona, ho adimana ka tjhelete ha se ntho e bonolo, mme ho teng ntlha tse ngata, tse tshwanetseng ho elwa hloko pele ho etswa kopo ya kadimo ya tjhelete. Mekgatlo e teng e ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete ha feela e kgodisehile hore e tla fumana hape tjhelete ya yona. Balemi ba ka nna ba adima tjhelete bankeng ya naha, dikgwebong tsa temo (agribusinesses) (Senwes, OVK, NWK, MGK, GWK), dikoporasi tsa temo (VKB), dibankeng tsa kgwebo, mekgatlong ya ntshetsopele (Mpumalanga Agricultural Development Corporation -MADC, Uvimba Bank ka Kapa Botjhabela), jwalojwalo. Mekgatlo e adimanang ka tjhelete ha e a tlameha ho etsa jwalo - kaofela mekgatlo ena e na le mehato le maano a yona, a lokelang ho latelwa ha ho adingwa tjhelete. O ka nna wa ikopanya le mekgatlo ena, le ho utlwa ka tse hlokahalang.
Ho etsahalang ha balemi ba ena le dikoloto?
Dilemong tse fetileng, moo tswelopele ya temo e bileng tlasa kgatello, ho etsahala hore balemi ba sebetse selemo kaofela, ba hlahise sejothollo seo ba se rekisang, mme qetellong ya sehla ba lemohe hore ha ba a bokella tjhelete e lekaneng hore ba ka lefa sekoloto sa bona sa kadimo. Bona ke boemo bo bosula ka ho fetisisa ba hore molemi a sebetse selemo kaofela a sebeletsa ntata selala, mme ka nako e nngwe a be a hloke le yona tjhelete ya ho jala sejothollo se hlahlamang. Le hoja ho jala sejothollo se hlahlamang e le yona tsela feela ya ho lefa sekoloto se setseng sa dijothollo tsa nako e fetileng, mekgatlo e adimanang ka tjhelete e tshwanetse ho hlokomela haholo hore e se ke ya iphumana e sebeditse ka bohlaswa.
Re na le keletso efe ho balemi mabapi le kadimo ya tjhelete?
Tiisa hore o etsa tsohle ka nako - se ke wa emela motsotso wa ho qetela.
Jwalo ka molemi, o motho wa bohlokwa Afrika Borwa - eba motlotlo ha balemi ba fepa le ho apesa lefatshe!
<fn>PulaImvula. Mpumalanga.2008-03.st.txt</fn>
Setshwantsho se bua mantswe a sekete...
Photo 1: Setsha sa teko Malekutu.
Photo 2: Masimo pela setsha sa teko Malekutu.
Photo 3: Setsha sa teko Mbuzini.
Photo 4: Pontsho ya teko Matibidi.
Photo 5: Masimo a poraevete lebatoweng la setsha sa teko sa Matibidi.
Photo 6: Masimo a poraevete lebatoweng la setsha sa teko sa Matibidi.
Photo 7: Monghadi Jerry Mthombothi, mohokahanyi wa ntshetsopele provenseng: Mpumalanga tekong e Bronkhorsprui.
Photo 8: Monghadi Jerry Mthombothi le Monghadi Boy Mokoena (molemi) tekong e Bronkhorspruit.
Photo 9: Setsha sa teko Dundonald.
Photo 10: Setsha sa teko Dundonald.
E nngwe ya diprojeke Lenaneong la Ntshetsopele ya Molemi, le tsheheditsweng ke ba Truste ya Poone, ke ho hlongwa le ho hlokomelwa ha dipontsho tsa diteko mabatoweng a fapaneng. Sepheo ka diteko tsena ke ho bontsha 'tshebetso tse ntle ka ho fetisisa, mme re sebedisa ditsha tsena mabapi le matsatsi a mang a balemi a tshwarwang boleleleng ba selemo.
Photo 1 ke setsha sa teko Malekutu, sebaka se ka etsang 30 km leboya botjhabela ho Nelspruit. Photo 2 ke masimo pela setsha sa teko.
Palo ya dimela le karohano pakeng tsa mela: le hoja ho sa kgonahale ho bona phapang pakeng tsa mela setshwantshong sa teko, sebaka sena pooneng e nngwe se hlakile hore se teteane haholo.
Photo 3 ke setsheng sa teko Mbunzini, 150 km borwa botjhabela ho Nelspruit, ho ya Swaziland. Poone mona e ne e bonahala e le ntle haholo - haholoholo ha e bapiswa le dijothollo tse hlahiswang ke balemi ba selehae. Bohlokwa ba ho sampolwa ha mobu, pH ya mobu, manyolo, palo ya dimela, kgetho ya mofuta wa peo le taolo ya mahola le dikokwanyana, kaofela ke dintlha tseo ho ka qoqwang ka tsona lebatoweng lena.
Photo 4, 5 le 6 di nkilwe Matibidi (leboya ho Graskop). Lena ke lebatowa la batho moo boholo ba mosebetsi bo etswang ka letsoho ke basadi (Jerry Mthombothi, mohokahanyi wa ntshetsopele ya provense wa Mpumalanga, o re ho bonahala sena e le kgahlapetso ya basadi). Photo 4, ya batho ba leng masimong, ba tshwereng disamporele tsa bona, e nkilwe pontshong ya teko, ha photo 5 le 6 tsona e le tsa masimo a poraevete lebatoweng.
Taolo ya mahola.
Balemi ba lebatowa lena ba ile ba fuwa diterekere le metjhine ke Lefapha la Temo la Mpumalanga empa le ha ho le jwalo, boholo ba mosebetsi bo sa ntse bo etswa ka matsoho - mathata a sehlooho a sa ntse a le teng mabapi le kabo ya disebediswa ho ya ka dihlopha, tse tla hloka kelohloko e ntle ha eba tshebediso e ntle e lebelletswe ya matsete ana. Nneteng ya taba, ho a kgonahala ho adimisana disebediswa tsa temo le diterekere, empa taba ya ditokiso ya disebediswa tsena le tlhokomelo ya tsona e sa ntse e le boima haholo ho fihlellwa - ke mang ruri eo re ka reng o jere boikarabelo?
Photo 7 le 8 ke Monghadi Jerry Mthombothi (le letshehadi), mohokahanyi wa ntshetsopele provenseng, Mpumalanga, le Monghadi Boy Mokoena (molemi) tekong e Bronkhorspruit. Poone e ntle haholo le hoja sehla se mongobo haholo se thatafaditse taolo ya mahola ka metjhine.
Monghadi Mokoena e bile e mong wa ba ileng ba iketa Tlhodisanong ya Molemi wa Selemo ya 2007 - eitse ha re mmona ka Phupjane 2007, o ne a le mathuleng a ho emisa ka temo ka baka la komello. Lemong sena, o na le dihekthara tse 400 tsa poone jwalo ka ha ho bontshitswe ditshwantshong!
Balemi ba bangata lebatoweng lena bao e seng e le balemi ba bahwebi - taolo ya mahola ke bona bothata feela bo lokelang ho fenngwa. Tsepamiso e ikgethileng ya maikutlo sehleng se hlahlamang e tla shebana le taolo ya mahola ka dikhemikhale.
Photo 9 le 10 ke tsa teko Dundonald, botjhabela ho ya Swaziland ho tloha Badplaas. Photo 9 e bontsha sephetho sa tsamaiso e ntle, mme phapang pakeng tsa teko ena le masimo a mang photong ya 10 e totobetse.
Qaka lebatoweng lena, jwalo ka dibakeng tse ngata, e kenyeletsa ho sampolwa ha mobu, matsatsi a ho jala, palo ya dimela, manyolo le taolo ya mahola. Balemi lebatoweng lena ka kakaretso ba jala dikotwaneng tse nyane tsa masimo a kopanetsweng ke setjhaba.
Diteboho tsa rona di lebiswa ho Monghadi Jerry Mthombothi mabapi le boleng ba diteko tsa pontsho, mme re lebelletse ho ithuta haholo nakong ya matsatsi a balemi a reretsweng dikgwedi tse tlang.
<fn>PulaImvula. Opot.2008-07.st.txt</fn>
Dipeo tsa oli le protheine ke eng?
Ho ya ka webpage ya SA Grains le Dipeo tsa oli (Oilseeds) dijothollo di hlwauwe e le diserele tse loketseng batho. Dipeo tsa oli di boetse di lokile e le dijo tsa batho mme di molemo haholo ka oli eo di e hlahisang. Dijothollo le peo tsa oli Afrika Borwa ke matokomane, barley, rye, mabele, outshe, poone, koro, dinawa tsa soya le soneblomo.
Dijothollo tsa peo ya oli di lemelwa haholoholo oli e teng peong tsa tsona. Mothamo wa oli peong tse nyane (jwalo ka korong) ke feela 1% - 2%; wa tsa peo tsa oli o ka ba ho se ka etsang 20% mabapi le dinawa tsa soya ho feta 40% mabapi le soneblomo le canola (peo e butswitseng). Mehlodi ya sehlooho ya dipeo tse jewang tsa oli ke dinawa tsa soya, soneblomo, peo e butswitseng (canola), khothone le matokomane. Dioli tsa peo tsa flax (linseed) le dinawa tsa castor di sebedisetswa indasteri. Mafura a jewang hammoho le dioli le ha ho le jwalo di a tshwana ka popeho (ya dimolekhule). Mafura a thata boemong ba themphereitjhara ya ka tlung, ha oli tsona di le metsi (diphalli).
Soneblomo, matokomane le dinawa tsa soya kaofela ke dijothollo tsa hlabula - Di jalwa nakong ya selemo ha kotsi ya serame e se e fetile (di tshabana haholo le serame), mme di hola nakong tsa kgwedi tsa hlabula (mabatoweng a pula tsa hlabula). Di butswa nakong ya hwetla, mme hangata di kotulwa hoba ho fetwe dirameng tsa pele. Ka lehlakoreng le leng, canola yona ke sejothollo sa mariha - ke yona feela sejothollo sa peo ya oli se sa tshabeng serame.
Sejothollo se kotutsweng hoba oli e ntshwe peong tsa oli ke mohlodi wa bohlokwa wa menontsha ya diphoofolo tsa polasing. Dijothollo tse kotutsweng ho ntshwa oli ho tsona. Mafura le oli ke menontsha ya bohlokwa e sebediswang jwalo ka oli, salate kapa oli e phehang, kapa e ka thatafatswa ho etsa makarine kapa mafura a mang a sebedisetswang ho pheha. Dihlahiswa tsena di a tlatselletsa kapa ho nka sebaka sa dihlahiswa tsa diphoofolo (jwalo ka botoro) tse sa lekanang ho phethahatsa ditlhoko tsa palo e ntseng e eketseha ya batho ba lefatshe.
Masalla kapa ditshifa tse salang ha ho se ho ntshitswe oli dipeong tsa oli ke mohlodi wa bohlokwa wa menontsha ya diphoofolo tsa mapolasing. Dijo tsa peo tsa oli tse tswang dinaweng tsa soya, matokomaneng, peong e butswitseng le peong ya flax di nonne haholo ka protheine - ha di kopantswe le metswako e meng (jwalo ka diserele), di fana ka dijo tse nonneng hantle.
Kerafo ya 1: Tlhahiso ya matokomane Afrika Borwa.
Kerafo ya 2: Tlhahiso ya dinawa tsa soya Afrika Borwa.
Kerafo ya 3: Tlhahiso ya soneblomo Afrika Borwa.
<fn>PulaImvula. Organise(maize).st.txt</fn>
Hore o be boemong ba ho kenya merero ya hao tshebetsong ya mesebetsi ya ka moso le ho fihlella tseo o di habileng kgwebong ya hao, ho bohlokwa ho hlophisa ka tshwanelo le ka nako.
Artikeleng ya Phupjane 2011 ya Pula/Imvula, lethonyana le molemo ho feta letho, ho ile ha buuwa ka moralo e le mosebetsi wa tsamaiso. Mosebetsi wa bobedi wa tsamaiso oo re tla bua ka ona ke wa tlhophiso. Tlhophiso e bolela hore o tshwanetse ho kenya tshebetsong meralo ya hao ya nako e tlang. Le ha ho le jwalo, hangata ho etsa moralo le ho kenya tshebetsong tlhophiso di etsahala ka nako e le nngwe. Hantlentle, ho hlophisa ho kenyeletsa taba ya hore mang o ilo etsa eng, neng le jwang, le ho etsa qeto hore mehlodi e meng e kang metjhine, disebediswa, dithuluse, meralo hammoho le ditjhelete na e tla ba teng ho ntshetsa pele mosebetsi.
Ka hoo, ho kgona ho hlophisa ka tshwanelo ke taba ya bohlokwa hore molemi a tsebe mehlodi ya hae - e bonwang ka mahlo hammoho le ya batho. Mabapi le basebeletsi ba hae, molemi o tshwanetse ho tseba bokgoni ba bona, thuteho, kwetliso, bokgoni ba bona (tseo ba ka di etsang ka mmele, ka mokgwa wa sethekgenike le ka maikutlo), boiphihlelo ba bona, matla le bofokodi ba bona. Basebeletsi ba tshwanetse ho sebediswa moo ba kgonang hantle, mme ha ho kgonahala e be moo ba natefelwang teng. Hape ho bohlokwa ho itokisa nako e sa le teng le ho tiisa hore dipalangwang tse hlokahalang di teng, disebediswa, tse kenngwang mobung le ditjhelete, le hore tsena di tla ba teng tulong e hlokahalang le nakong e hlokahalang.
Ho hlophisa ho hloka hore motho a shebe mesebetsi yohle jwalo ka ha e rerilwe, mme a shebe kabo ya mehlodi hore a be boemong ba ho kenya tshebetsong merero ka nako eo ho qetilweng ka yona.
Mabapi le tlhophiso e etswang ha ho kenwa mosebetsing, motho a ka nna a kopanya moralo le tlhophiso ka nako e le nngwe jwalo ka ha ho bontshitswe theiboleng ya 1. Mohlala ona ke ntshetsopele ya mohlala o sebedisitsweng artikeleng e fetileng mabapi le moralo.
Hlahloba masimo a bohlano.
Buka ya ho rekota.
3 - 10 dihekthara.
2 basebeletsi ba nakwana.
Motjhine o kotulang.
Diterekere tse 2 le ditereilara.
Hlokomela dijo tse nyekwang le tsa sejelong.
Manamane a tlositsweng letsweleng, tshwaya, beha sekaleng manamane a 100.
Moloto, Abram, Kagiso le Hendrik.
Pere, buka ya ho rekota.
Pere, buka ya ho rekota.
Menyetla ya ho hlokomela dikgomo, sesebediswa sa ho tshwaya, meriana, le tsa ho nwesa moriana, sekala, buka ya ho rekota.
Hlophisa ntlo ya boraro.
Mesebetsi ya letsatsi.
Ntlo ya pele le ya bobedi.
Johanna, Minah le Johannes.
Sarah, Monica le Dawid.
Di-scoopers, mekotla le tereilara.
Dithuluse tse ka tshwarwang ka letsoho.
Ferefa sebaka sa tshebetso.
Rakonteraka wa poraevete.
Dithuluse tsa hao, jj.
Ka baka la mohlala ho nkuwa hore basebeletsi kaofela ba rupeletswe le ho kwetliswa. Ho feta mona, le hore mehlodi e meng e teng le hore e malala-a-laotswe. Haeba ho se jwalo, meralo ya hao le tlhophiso ya hao di tla tshwanela ho atoloswa hore di kenyeletse kwetliso ya basebeletsi, ho hlophisa mehlodi e meng hore e be teng haufi, mme e emele feela ho sebediswa ha mosebetsi wa sehloho o tshwanela ho simolla, o kang ho jala kapa ho peitwa ha mehlape.
Hona e mpa e le mohlala feela wa mokgwa o ka sebediswang ho hlophisa, mme o ka nna wa fetofetolwa ha bonolo hoere o lokele maemo a itseng kapa seo motho a ratang ho se fihlella. Boiphihlelo bo bontshitse hore ke thuso e kgolo ho rera le ho hlophisa ka nepo ha motho a ngola dintho tsa hae fatshe. Jwalo ka moralong, tlhophiso e ka nna ya etswa ka mokgwa wa tayari/bukana ya letsatsi, kapa mokgwa ofe le ofe wa ho ngola fatshe botong ya mofuta ofe, ka mokgwa wa elektronike kapa mokgwa ofe kapa ofe o loketseng.
Jwalo ka moralong, nakong ya tlhophiso manejara o tshwanetse ho ba le boinehelo mesebetsing e meng ya hae ya tsamaiso, e kang boetapele, puisano, kgothaletso, thomo, kgokahano, ho etsa diqeto le ho boloka maemo taolong. Boinehelo mesebetsing ena bo laolwa haholo ke boholo ba kgwebo.
Molemi o tlamehile ho nka mohato wa ho hlophisa, a kenye maikutlo a tlhophiso basebeletsing le ho etsa diqeto mabapi le tlhophiso tsa hae (ke terekere efe e tla sebediswa kapa sesebediswa sefe kapa basebeletsi bafe). O boetse o tlamehile ho beha maemo taolong le ho hokahanya tlhophiso mafapheng a fapaneng a kgwebo. Hape o tlamehile ho kgona ho abela batho mesebetsi ya ho hlophisa haeba ho hlokahala; mohlophisi a ke ke a kgona ho etsa tsohle a le mong, letshwele le beta poho.
Hopola hore haeba o mong wa mesebetsi ya tsamaiso o sa etswe ka nepo, kgwebo e ka nna ya kenya phaello, empa kapelenyana kapa ha nako e ntse e eya - e ka ba dilemo tse hlano kapa tse leshome kapa ho feta - kgwebo ya hao e tla ema tsii. Mme hona ke phephetso ya ka moso - haeba tsamaiso ya hao e sa tswele pele selemo le selemo - qetellong kgwebo e tla ema tsii hobane phaello e se e sa be teng. Motho o sitwa ho dula a etsa ntho e le nngwe ho ya ho ile selemo le selemo. Motho o tshwanetse ho hatela pele ka ho eketsa tjhelete e kenang le/kapa ho laola ditshenyehelo. Tlhophiso e nepahetseng ke sesebediswa sa bohlokwa ho fihlella tse boletsweng hodimo mona.
<fn>PulaImvula. Partneships.2010-01.st.txt</fn>
Jwalo ka ha ho boletswe pejana, ntshetsopele ya molemi ha se mosebetsi o bonolo o ka etswang ka ho panya ha leihlo - ke ntho e kenyelletsang batho ba bangata, ba fapaneng, boitshwaro le nako e ngata. Re sitwa ho etsa sena re le bang, mme ke ka baka lena re thabelang tshehetso le ho kena ka setotswana ha batho ba bang ba bangata.
Masepala wa Setereke sa Amathole.
Karel Taljaard - Kalaka le Gypsum ya Afrika Borwa.
Khula - ho kenya letsoho nakong ya matsatsi a Balemi.
Cliffe Deacon from Agricol - peo.
<fn>PulaImvula. Pest.2008-03.st.txt</fn>
Photo 1: Tahlehelo di kgolo ka baka la tlhaselo ya sesedi.
Photo 3: Sebokonyana se ntseng se hola se ipata karolong e hlahelang ka hodima mobu ya semela nakong ya mariha.
Sephunyakutu sena se dula se le teng ka mehla moo poone e lengwang teng Afrika - kokwanyana ena ke ya lehae la Afrika, mme mefutafuta e mengata ya jwang e thusa saekeleng ya yona ya bophelo.
Polelo e akaretsang ke ya hore sephunyakutu sena se baka tshenyo ya 10% dijothollong tsa poone, empa le yona tshenyo kapa tahlehelo e phethahetseng ya dijothollo e ka nna ya eba teng. Sebokonyana se ntseng se hola (larvae) se itjella mahlaku, kutu le ditsejana tsa semela sa poone.
Kutlwisiso ya dintlha tsa bohlokwa tsa saekele ya kokwanyana e a hlokahala e le ho fihlella diqeto tse nepahetseng mabapi le taolo ya yona. Seboko se seng se hotse se ipata ka hara kutu ya lehlaka le siilweng la poone masimong nakong ya mariha. Tsena hamorao di tla fetoha leloko la pele la mofuta wa mmoto le tla behela mahe a tla qhotswa ka mora matsatsi a supileng ho isa ho a leshome.
Sebokonyana se ntseng se hola se ja nakong ya dibeke tse tsheletseng, mme ka mora moo se nka sebopeho se setjha, e leng sa 'pupae' ka hara kutu ya semela sa poone. Ka mora beke tse tharo, leloko la bobedi la mmoto le hlaha ka palo e kgolo ho feta la pele kapa la boraro.
Ho ya ka kgwebo, ho teng mehato e mengata e fumanehang ho laola sephunyakutu sena. Tsena ke taolo ka dikhemikhale, kgetho ya mofuta wa peo, ditlwaelo tsa setso le taolo popehong. Mehato ena ya taolo ha se tiisetso e phethahetseng ka hohlehohle, empa e thusa ho fokotsa tlhaselo le ho tlisa kgonahalo ya tlhahiso e tshwarellang ya poone.
Dikhemikhale tse ngodisitsweng ho laola diphunyakutu tsa poone di mefuta e mmedi; ke dibolayakokwanyana tse sebetsang ka ho ama kapa ho sebetsa semeleng.
Kgopolo ya hore dihlahiswa tse theko e phahameng di hlwahlwa tshebetsong ya tsona ho feta tsa theko e tlase, ha se nnete, ka ha dihlahiswa tse ding tse theko e tlase di ntse di sebetsa ka mokgwa o motle, o babatsehang. Polelo e reng taolo e ka nna ya nka bolelele ba dibeke tse tsheletseng le yona e batla e ena le kgwao e itseng. Ka baka la ditjeo tse phahameng tsa taolo ka dikhemikhale, balemi ba tshwanetse ho etsa bonnete ba hore nako ya tshebediso ya tsona ke e nepahetseng. Ho fafatsa ka hloko ka nako e telele ho tiisitse hore ha ho hlwahlwa hakaalo, mme ka hoo, ha ho kgothaletswe. Mehato ya taolo ka dikhemikhale e tshwanetse ho nahanwa ha 10% ya masimo e bontsha matshwao a tlhaselo, e leng se iponahatsang ka ho kang 'tshenyo ya sefako', moo dibokonyana tsa 'larvae' di bonahalang di jele mahlaku.
Tshebediso ya mamello ya mohato wa 10% e boetse e molemong wa nako e nepahetseng mabapi le tshebediso ya dibolayakokwanyana. Tshebediso e le nngwe e ka nna ya haella ka ha tlhaselo e boelang e ipheta hape hamorao e ka nna ya etsahala. Sehleng sa morao, jwalo ka sena, kgothaletso ke hore ho hlahlojwe boteng ba sebokonyana se senyane sa 'larvae' hang feela pele dikutu di eba le dipalesa tse leketlang ho tsona. Ha 'larvae' tsena tse nyane di sa laolwe, di ka nna tsa kgannela tshenyong e phethahetseng ya ditsejana. Taolo e batlang e le ntle e ka nna ya fihlellwa ho fihlela ho 50% ya ho leketla ha dipalesa kutung.
Ho kenngwa ha mofuta wa peo ya poone ya Btho fokoditse tlhokeho ya taolo ya dikokwanyana ka thibelo ya mefuta ya peo e nang le matla (gene) ana a ho thibela tlhaselo ya sephunyakutu. Matla ana a thusa ho hlahisa tjhefo e kotsi dibokong tsena tsa 'larvae'.
Ho thibela tswelopele ya kganyetso, kgothaletso mabapi le bongata ba poone eo e seng ya Bt e lokelang ho jalwa mmoho le ya Bt, ho tshwanetse ho ipapiswa le yona. Ha se mefuta yohle ya peo e nang le matla (gene) a Bt e nang le thibelo ka ho lekana kgahlanong le tlhaselo ya sesedi, mme sena se tshwanetse ho hopolwa ka mehla ha ho etswa kgetho ya mefuta ya peo bakeng sa sehla ka seng.
Bahlahisi ba tshwanetse ho ela hloko nako ya matsatsi a leshome eo ka yona dikutu di bang le dipalesa. Ena ke nako eo diboko tse nyenyane tsa 'larvae' di simollang ho itjella ditetswana/metjeketla. Nakong ena tjhefo e batla e sa loya haholo (e le metsi haholo) ditetswaneng ka baka la metsi a mangata hoo tse ding tsa dibokonyana di kgonang ho sala di ntse di phela. Tshenyo kutung ka baka la dibokonyana tsena tse salang di phela, ke e bonahalang nakong ya kotulo, empa ka ha tshenyo ke e etsahetseng mohatong o moraorao, hona ho tla ba le tshwaetso e nyane kotulong. Dibokonyana tsena e tla ba tsona tse etellang pele mmoto wa pele wa sehla se hlahlamang. Ha o etsa kgetho pakeng tsa taolo ka dikhemikhale le mefuta ya peo ya Bt, ditjeo tse pahameng tsa mefuta ya Bt di tshwanetse ho elwa hloko.
Ho phetholwa ha mobu mariha ho qetellang ho siile masalla ka hodima mobu ho tla thusa ho fokotsa tlhaselo ya sesedi sehleng se hlahlamang ka ho pepesetsa diboko tse nyane tsa 'pupae' serameng sa mariha le direng tsa tlhaho, e leng se qetellang ka phokotseho palong ya diboko tsena. Ho lema le ho phetholella masalla ka mokgwa o tebileng mobung ho tla thibela mmoto hore o se hlahe nakong ya sehla se hlahlamang.
Tse phelang ka tse ding (dinwamadi), tse itjellang diboko tse nyane tsa 'larvae' hammoho le mahe, le tsona di ntse di le teng, empa tshwaetso ha se e bohlokwa mabapi le kgwebo. Jwang ba Napier bo kgethwang ho jalwa le poone bo sebediswa e le mokgwa wa ho laola baleming ba ntseng ba thuthuha. Le ha ho le jwalo, ha ho lebaka la hore hobaneng ha balemi ba bahwebi ba sa sebedise tlwaelo ena, ka ha jwang ba napier ke furu e ntle haholo ya diphoofolo. Taolo ya setso le ya ho bolaya diboko di fetwa ka bohlwahlwa ke taolo ka dikhemikhale le ka theknoloji ya Bt.
Ke nnete hore tahlehelo e phahameng di bakwa ke tlhaselo ya sephunyakutu (sesedi). Mehato ya taolo hammoho le tsamaiso e ntle mabapi le dijothollo di bohlokwa haholo phokotsehong ya tahlehelo.
<fn>PulaImvula. PivotsMaize.2009-09.st.txt</fn>
Photo 1: Centre pivot e bontsha pokeletso e kgolo haufi le ntlha e ka ntle ya sedikadikwe. Hopola hore bokantle ba pivot bo tsamaella thoko haholo hore bo phethe sedikadikwe, e leng lebaka le etsang hore ho sebediswe metsi a mangata ha o ntse o eya thoko le bohare ba sedikadikwe.
Sesebediswa sa pele se fafatsang metsi, se itsamaisang ka bosona, se ile sa sibollwa ka 1948, mme ya ntshetswa pele ka tumello ka 1952 ke Frank Zybach Eastern Colorado ho la Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika. Mekgwa ya nakong tsa pele e bile motheo wa ntshetsopele ya mekgwa ya sejwalejwale ya centre pivot tse itsamaisang ka botsona le ya mekgwa ya ho nosetsa ka ho salana morao.
Bokgoni ba yona ba ho sebediswa kgafetsa, bohlwahlwa bo boholo le tshebediso e lekanang ka hohle ya metsi.
Boemo bo phahameng haholo ba ho itshebetsa ka motjhine, e leng mekgwa e batlang mosebetsi o monyane haholo wa matsoho a motho, ho feta mekgwa e meng e mengata ya ho nosetsa.
Papatso e batsi e leka nnete.
Bokgoni ba ho sebedisa metsi ka paballo le menontsha e meng e qhibidihang metsing mefuteng e mengata ya mobu le maemong a fapaneng ka dibopeho.
Centre pivot e na le diforeimi tsa tshepe le dipeipi tse tsheheditsweng ka ho arohana ha dimithara tse 50 dipakeng ka foreimi e jerweng ke mabidi a mabedi. Pivot kaofela di bopilwe ho ya ka dintlha tsena tsa motheo.
Ena e tshehetsa pivot ntlheng e hare, mme ke bohare moo popeho kaofela e potolohang teng.
Ena ke karolo ya motheo eo centre pivot e entsweng ka yona, mme e na le peipi ya sehlooho eo metsi a mathang ka hara yona, foreimi e tshehetsang peipi le karolo e tsamaisang ya motjhine. Bolelele ba span ha bo a tlameha ho lekana, empa bo ka nna ba fapana hore bo dumellane le maemo a masimo kapa ho fana ka sebaka pakeng tsa setshehetsi le bokahodimo ba mobu sebakeng se leng motheong.
Overhang ke peipi e nyenyane e nang le difafatsi, mme e tshwerwe ke dithapo (cables) tse ka nqane ho ditora tse ka ntlentle. Sepheo ke ho eketsa sebaka se nosetswang ke metsi. Guns tse ntsang mothamo o moholo wa metsi hammoho le di-system tsa dihukung di ka nna tsa tlatselletswa qetellong ya motjhine hore ho eketswe sebaka se nosetswang dihukung kapa ho fihlella dikarolo tsa tlatsetso. Metjhine ya centre pivot e ka nna ya ba bolelele bo fetang dimithara tse 1 000.
Boholo (size) ba dipeipi le di-span centre pivot dife kapa dife di ka bonwa ka dinomoro tsa mmotlolo (model number). Dikhamphane tse fapaneng di na le ditekanyo tse fapaneng.
Khamphane ka nngwe e tla fana ka bophahamo ba karohano ya dijothollo ya bolelele bo fapaneng ba span ho ya ka mefuta e fapaneng ya di-pivot. Karohano ya dijothollo e ka nna ya fapana pakeng tsa dimithara tse nne mabapi le tse phahameng ho isa ho 0,3 mabapi le tse e tlase.
Bohlokwa ba centre pivot e ka hokelwang ho tloha bakeng se seng ho ya ho se seng bo ka tshehetswa ke ha eba ho le teng diphetoho tse entsweng ho pivot masimong a fapaneng, mme ho ralwa ha dijothollo le makgulo ho dumella taba ya hore dijothollo tse ding di ka nna tsa lengwa.
Mobu le boemo - mebu ya letsopa le metheo e tshekalletseng di ka nna tsa setisa ho tsamaiswa.
Palo e hodimo ya span tse dumelletsweng ho ka hulwa/hokelwa.
Mmila wa dimithara tse tsheletseng, wa bokahodimo bo batalletseng, o tshwanetse ho ba teng pakeng tsa dintlha tsa pivot. Qoba kapa hlokomela ha o tsamaisa pivot hodima methakala kapa diforo.
Tswakano - ke span tse itseng feela tse ka tsamaiswang/hulwa.
Phepelo ya motlakase e tshwanetse ho kgaolwa pele span di ka hulwa.
Ho kobeha ha pivot - manonyelletso a hokahantsweng a dumella pivot ho tsamaya metheong e fetang 14% ho isa ho 30% ho ya tlase kapa hodimo.
Motjhine wa centre pivot ha o bidikoloha o potapota peipi bohareng ba masimo e le hore karolo e noseditsweng e nka sebopeho sa sedikadikwe ho kenyelleditswe dikarolo tsa didikadikwe tse nyane ho 360Âº. Karolo e ka etsang 80% - 90% ya masimo a sekwere e a kgonahala. Peresente ya sebaka se noseditsweng ho ya ka radius (halofo ya sedikadikwe) tse fapaneng tsa centre pivot moo sedikadikwe se ka harehare e leng 50% ya radius empa e nkile feela 25% ya karolo kaofela e noseditsweng. Ho bohlokwa ho elellwa hore 75% ya sebaka kaofela se jetsweng e ba halofong e ka ntle ya radius.
Senya metsi, eneji le tjhelete.
Bahlahisi ba mekgwa ya ho nosetsa hammoho le baokamedi ba beileng leihlo mehato ya mongobo ba eketsa haholo bokgoni ba bona ba ho baballa metsi le eneji, ba phahamisa kuno ya dijothollo le ho qoba kgoholeho ya mobu le tshilafatso ya metsi. Tsamaiso ya ho nosetsa e kenyelletsa tlhokomelo ya tikoloho e loketseng dijothollo tse holang, haholoholo ka ho thibela mobu ho ba metsi haholo kapa ho oma haholo. Ha ho motho ya lokelang ho tseba haholo ho feta wena ka masimo a hao, dijothollo le ho nosetsa.
Centre pivot ke sesebediswa sa ho nosetsa dijothollo, empa ha se sebediswa ka phoso se ka nna sa hloleha, jwalo ka mokgwa ofe kapa ofe wa ho nosetsa. Tlase mona ke dintlha tse mmalwa mabapi le tsamaiso e tshwanetseng ho elwa hloko.
Di-centre pivot di ka sebedisetswa dintho tse ngata, mme di atlehile ho medisa dijothollo, ho ntlafatsa tshebetso ya dibolayalehola, ho kenya tshebetsong dibolayakokwanyana, dibolayalehola le dibolayakwaekgwaba, mme di sebediswa ho fepela manyolo a nitrogen dijothollong ho ya ka ditlhoko tsa tsona. Centre pivot e na le bokgoni ba ho sebedisa mekgahlelo e menyane ya metsi kgafetsa. Ha molemi a fetohela mokgweng wa centre pivot, o tshwanetse ho utlwisisa hore mokgwa oo a nosetsang ka ona o tshwanetse ho fetoha. Ho ena le ho sebedisa metso e 1,5 ho isa ho 2,0 tshebedisong e le nngwe, ho ka nepahala haholo ha a ka sebedisa bongata boo tshebedisong tse pedi ho isa ho tse tharo. Ho leka ho sebedisa metsi a mangata haholo ka nako e le nngwe ho ka qetella ka kgoholeho e sa batleheng ya mobu le mathata a menyabuketso ya mabidi.
Ho boetse ho bohlokwa ho hopola hore molemi o laola tshebetso ya metsi metsong. Ha molemi a ema nako e telele pele a simolla ka ho nosetsa, ka nako e nngwe e ba ntho eo a ke keng a e kgona ya ho kgema le maemo le ho qoba kgatello dijothollong. Bona ke bothata bo shebaneng le balemi ba esong ho nosetse pele, ka ha ba sa lemohe hore ho nka nako ho phethahatsa tshebetso ho tloha nakong eo ba simollotseng ka yona. Se ke wa tshaba ho fetohela mokgweng wa centre pivot ka ha o ka nna wa o thusa ho una molemo.
Hangata ho boetse ho teng monyetla wa ho baballa metsi ka baka la tlhophiso e nepahetseng ya ho nosetsa. Jwalo ka ha ho etsahala mokgweng ofe kapa ofe wa ho nosetsa, ho sa ntse ho le bohlokwa ho hlahloba mongobo wa mobu le ho sebedisa metsi ha feela ho hlokahala. Sena se ka qetella ka paballeho ya metsi le eneji nakong yohle ya sehla sa ho hola ha dijothollo.
Centre pivot ke leruo le leholo, mme ka ha e kenngwa masimong, eseng ho behwa ntlong ya polokelo ya metjhine, ka nako tse ding balemi ba qetella ba eya le kgongwana hodimo, mme ba lebala tlhokomelo ya motheho eo ba tshwanetseng ho nahana ka yona. Ha eba o batla ho iketsetsa ka bowena, ho teng dintlha tse mmalwa tseo o tshwanetseng ho nahana ka tsona.
Ntsha oli le ho tshela e ntjha gearboxeng tse tsamaisang mabidi le ho tsa centre drive. Etsa bonnete hore o sebedisa oli ya baetsi ba oli. Qhala mme o tshele oli e ntjha gearboxeng bonyane selemong se seng le se seng sa boraro ka mora mona, e leng tlasa maemo a tlwaelehileng a tshebetso. Ha eba molemi a sebedisa motjhine dihora tse fetang tse 1 000 ka selemo, jwale nahana taba ya ho fetola oli digearboxeng selemo le selemo kapa hang selemong se seng le se seng sa bobedi.
Hlokomela hore sefe ya lehlabathe e sebetsa hantle le hore ha ho lehlabathe le bokellanang. Hasa ka metsi ha eba ho hlokahala.
Etsa bonnete hore sesebediswa se tsitsitse ka tshwanelo mobung.
Tsholla sohle se ka hara pivot hammoho le dikgokahano tsohle tsa metsi tse hokahantsweng le yona.
Ho bohlokwa ho hopola hore nako ya tekolo sehleng sa ho nosetsa, ka nako tse ding ke taba e hlokolosi. O tlamehile ho ba sedi mabapi le tlhokomelo ya centre pivot hore e ntse e le bohlokwa feela jwalo ka mananeo a tlhokomelo a diterekere, diplantere le disebediswa tsa hao tsa ho kotula.
<fn>PulaImvula. Plan(maize).2010-10-13.st.txt</fn>
Ditaba tsena di reretswe ho kgothaletsa molemi e mong le e mong ya ntseng a le mohatong wa ho fumana mobu, empa di boetse di bohlokwa ho ba bang ba rona ba seng ba ena le mobu hore ka nako tsohle ba shebe boemo ba bona le ho etsa tekolo mabapi le ho tsitsa ha nako e telele ha mapolasi a rona jwalo ka kgwebo.
Ho ba le mobu e se e le taba e amang maikutlo, mme ho se ho sebediswa e le mokotla o setlwang ka difeisi lebatoweng la dipolotike. Le ha ho le jwalo, molemi ya tla atleha ha a fumana mobu, ekaba ka mokgwa ofe, e tla ba molemi ya nang le katamelo ka mokgwa wa profeshene ya lekolang ka matla dintlha tsohle tse tshohlwang tlase mona.
Ke nnete hore le hoja ho le teng pherekano le ho se kgotsofale ntjhafatsong ya mobu mohatong wa motheo, mapolasi a mangata a se a rekilwe ka katleho ka mokgwa wa morekisi ya ikemiseditseng le moreki ya ikemiseditseng, mme hape ke nnete hore ke feela a mang a mapolasi ao a fetiseditsweng ho majalefa a hlwailweng hore a ka amohela mobu. Ba bang ba rona re se re le babohi feela ba se nang matla tshebetsong ena ya neheletsano ya mobu. Re dula re ipotsa dipotso tse ngata mabapi le mekgwa e sebediswang ya ho kgetha le ho hlwaya majalefa ana. Hangata re se re ile ra nna ra utlwa ditaba tse monate tsa phumantsho ya mobu, empa le pele mathe a oma re se re utlwa tse ding ditaba tsa ka moo yona "projeke" eo e nyopileng ka teng!
Kgweding ya Hlakubele 2010, Letona la Ntshetsopele ya Mahae le Ntjhafatso ya Mobu, Gugile Nkwinti, o ile a dumela hore mananeo a mmuso a ntjhafatso ya mobu ha a ka a atleha, le hore majalefa a mangata haholo a hlolehile ho etsa kgwebo e atlehileng ka masimo a ona. Tshita ena ka ho otloloha e beha leano la mmuso la ntjhafatso ya mobu ka mosing, e leng le reretsweng ho fetisetsa 30% ya mobu o lengwang ho balemi ba batho ba batsho pele ho 2014. Ena ke taba e kgathatsang matla! Bohle ba nang le seabo ho Grain South Africa le Ketaneng ya Boleng ba Dijothollo (grain value chain) ba dumela ntle le pelaelo hore ho fetisetswa ha mobu ka katleho ke taba e hlokolosi ho tiyeng ha nako e telele le katlehong ya temo, le hore ke senotlolo sa paballeho ya dijo sa naha ya rona.
Ho thata ho tseba hore na ba neilweng boikarabelo ba ho aba mobu botjha ba lekotse jwang le ho hlwaya majalefa jwang. Re tlamehile ho dumela hore ha re qhelela ka thoko tlwaelo ya ho fa ba leloko menyetla le ho sebeletsa batho ka leeme, ho tla ba teng tshebetso ya nnete e hlokang leeme e tla tsamaiswa ka seriti molemong wa setjhaba le ntjhafatsong e atlehileng ya mobu. Mona ke moo molemi wa sebele eo ruri e leng motho wa profeshene, ya lakatsang ho ba molemi pelong le moyeng, a lokelang ho tlama lebanta teng. Balemi ba nang le toro ya hore tsatsi le leng ba tla ba le mobu wa bona, mme ba ena le tshepo ya una molemo leanong la jwale la ntjhafatso ya mobu, ba tlamehile ho itokisa ka matla, ho nahana le ho rera ditaba tsa bona ka mokgwa o tebileng. Ba tshwanetse ho kenya tshepo mabapi le bokgoni ba bona ba hore ba ka atleha jwalo ka balemi ba batjha. Hangata batho ba itshetlehile feela ka lehlohonolo la moteaphala ho ena le tshusumetso ya bona ya ho ba batho ba profeshene, ba sebeditseng ka matla ho rala le ho itokisetsa monyetla wa hore tsatsi le leng ba tla ba le masimo (mobu) a bona.
Monahano o mong le o mong wa kgwebo o simolla jwalo ka peo - o phuthetswe le ho hlaloswa morerong wa kgwebo. Ha ho mohato wa profeshene o ka simollang feela tjena le ho atoloha ntle le batshehetsi le ba thusang ka ditjhelete, mme moralo wa kgwebo (business plan) ke sesebediswa se fupereng dinnete le dipalo tse jereng molaetsa o kgodisang hore hobaneng "toro" ya hao e tshwanetse ho tshehetswa hore e fetohe ntho ya nnete! Ke moralo wa kgwebo ena o behang wena jwalo ka motho wa profeshene ya nang le sepheo, mme moralo ona o fa wena tshepo ya hore o tla fihlella sepheo seo. Moralo wa kgwebo o kenyelletsa dintlhakgolo tsa seo o se tadimang e le menyetla ya kgwebo, mme o bontsha sepheo sa nako e kgutshwane le e telele hore o iphe nako mabapi le merero ya hao. Katamelo ya hao ya profeshene e tla bontsha hore o se o tlwaetse mmaraka oo o o habileng hammoho le ho sheba menyetla kaofela le dikotsi kapa ditshoso tse leng teng. Nnete ke hore hobane o lakatsa ho kgotsofatsa bathusi ba hao o tla tsepamisa maikutlo matleng a hao jwalo ka molemi ya nang le tsebo le lerato hammoho le tshehetso e hlokahalang, e tswang ho balemi ba bang le batho ba profeshene dikgokahanong tsena tsa temo.
Moralo o mong le o mong wa kgwebo ya polasi o tshwanetse ho hlahloba dintlha tsohle tsa polasi ka nngwe. Moralo o tshwanetse ho kenyelletsa tsa ditjhelete ka mokgwa wa ditekanyetso hammoho le tsa ponelopele. Ona ke mohato o hlokolosi wa kgwebo, haholoholo maemong a jwale a ho fetisetswa ha mobu ho ba bang, moo bothata boo ho henahenanwang le bona kgafetsa e leng taba ya hore mmuso o nehelana ka mobu ho majalefa, mme ka mora moo ebe batho bao ba sala ba se na bokgoni, ba se na disebediswa, ba haellwa ke tse sebediswang kapa ba di hloka ho hang, ba hloka baeletsi, ntshetsopele ya bokgoni kapa tsona ditjhelete tsa kadimo mabapi le tlhahiso. Ho a babatseha, ho monate, mme ho tlisa morolo hore wean o be mobu o hlohonolofaditswengempa! Ya tsebang nnete o itokisitse, mme o tseba hore ditoro kaofela di hloka ditjhelete hore di fetohe nnete ya nako tsohle. Mang kapa mang a ka jala peo mobung...ha se mang kapa mang ya ka etsang hore e mele le ho beha ditholwana! Ikemisetse ho kopa thuso ho tiisa hore maemo a ditjhelete ke taba ya nnete, mme o be sebete hore o tseba seo o se batlang hore temo ya hao e o sebeletse.
Ho hlalosa seo o batlang ho se etsa temong ya hao.
Ho supa boiphihlelo ba hao le ho tiisa seriti sa hao ka ho fana ka mabaka a hore hobaneng o le motho ya lokelang.
Ho bontsha hore o shebisisitse hantle mobu wa hao, tlelaemete ya jwale e shebaneng le masimo a hao, hammoho le menyetla ya thekiso le mebaraka eo o e hlwaileng.
Ho bontsha sepheo sa hao le ho hlwaya mathata a ka bang teng, a ka behang ka mosing katleho ya mosebetsi wa hao.
Ho totobetse hore ena ke taba e hlokolosi ho molemi e mong le e mong, mme e fetohile phephetso e kgolo moo balemi ba kopanang le phehisano le bahlahisi ba matjhaba ba leng bohole ba dikete tsa dimaele! Balemi ba tshwanetse ho sheba mebaraka ka mehla, mme ka nako tse ding ba etse diqeto mabapi le hore na ba ka rekisa tseo ba di kotutseng le hoja dijothollo tsa bona di sa ntse di entse lehaba le letalanyana masimong! Moralo o hlakileng wa mmaraka o tshwanetse ho tsamaya mmoho le lenaneo la tlhahiso hobane ha se bohlale ho lema sejothollo seo o hlokang bareki ba sona. Wena molemi o ikemiseditse ho lefa ditheko tse tla tiisa hore mekutu yohle ya hao ya ho hlahisa dijothollo e tlisetsa kgwebo ya hao phaello e ntle.
Ditjeo tsa ho fumana disebediswa tsa temo hammoho le thuso mabapi le ditshenyehelo tsa ho hlokomela thepa.
Ditjeo tsa kgiro.
Ditjeo tsa tse kenngwang mobung mabapi le dijothollo tsa hao tsa pele.
Meputso le ditefo.
Ditshenyehelo tsa maeto le tsa mafura.
Ditjeo tsa rakonteraka di tshwanetse ho ba karolo ya ditshenyehelo ha eba o etsa qeto ya hore ho molemo ho tsetela metjhineng yohle e hlokahalang ka nako e le nngwe.
Ntlha ya sehlooho moralong wa hao wa ditjhelete e tla ba setatemente sa ho kena le ho tswa ha ditjhelete, mme hangata sena se etswa ka thuso ya mohlokomedi wa profeshene wa dibuka kapa moeletsi wa banka.
<fn>PulaImvula. Planning(maize).2011-06-07.st.txt</fn>
Hore kgwebo e atlehe, e tshwanetse ho tsamaiswa ka nepo. Ho rala dintho ka nepo ho hlokolosi hobane ke motheo wa mesebetsi yohle ya tsamaiso.
Ho tsamaisa dintho ka tshwanelo ho bolela hore mesebetsi e mene ya tsamaiso - ho rala, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola, e tshwanetse ho phethwa ka tshwanelo, mosebetsi ka mong o fuwe thahasello eo o e hlokang hore kgwebo e sebetse hantle nakong e telele ho fihlella tse habilweng, tse kang phaello.
Ho rala ruri ho tlamehile ho ba mosebetsi o hlokolosi wa molemi ka ha ke motheo wa mesebetsi kaofela ya polasi. Ho rala ho ka hlaloswa e le boikemisetso ba mesebetsi ya nako e tlang, e hlokahalang ho fihlella sepheo sa kgwebo ho latela sekema se itseng sa ho fihlella mesebetsi e lebelletsweng.
Hangata ho bolelwa hore motho o sitwa ho rala kapa ho rera ka kelello maemong a temo, mme lebaka le bolelwang ke hore temo e na le tse ngata tse se nang tiisetso/bonnete le dikotsi, tse kang, maemo a tlelaemete, malwetse, phepelo le ho hloka botsitso ha ditheko tsa tse kenngwang mobung le dihlahiswa. Dikotsi tse jwalo, le tse fetofetohang, di ikgethile tlhahisong ya temo, mme ha se tse ka hanyetswang, mme di baka phephetso moralong wa kgwebo ya temo. Le ha ho le jwalo, sejosenyane ha se fete molomo. Keletso ke ho rala dintho tsa hao ho ya ka palohare ya selemo le ho fetola mawa a hao haeba maemo a tswileng taolong a ka tshoha a ba teng hara selemo.
Ho tshwanetse ho etswa eng?
Ho tshwanetse ho etswa hokae?
Ho tshwanetse ho etswa neng?
Ho tshwanetse ho etswa ho hokae?
Ho tshwanetse ho etswa jwang?
Moralo o ka etswang o hloka hore meralo e ngolwe fatshe, mme ho be teng boitshwaro. Motho o tshwanetse ho etsa ntho, mme a e etse ho fihlela e le tlwaelo. Ho rala ho ka nna ha ba tayaring, hodima boto, kapa kae feela, ka mokgwa wa elektronike kapa jwang feela. Ha o ntse o rala haholo ka mokgwa ona, ke moo meralo ya hao e tla nne e bonahale e fetoha ya nnete hobane e theilwe ho tseo motho o fetileng ho tsona nakong e fetileng le ditabeng tse fetileng.
Ka tlwaelo moralo o theilwe le ho etswa selemo le selemo. Ho tla etswa eng polasing selemong se tlang. Le ha ho le jwalo, ho tshwanetse ho ba teng moralo wa nako e telele o theilweng ho se tla hlahiswa nakong e telele.
Ona ke moralo o sephara haholo o supang se hopotsweng ho hlahiswa nakong e telele e tlang - e ka nna ya ba dilemo tse hlano kapa ho feta. Mohlala, ikemisetse ho hlahisa dihekthara tse 500 tsa dijothollo ka selemo, ho hlahisa nama makgulong, le tsona dikgoho.
Ona o tshwanetse ho bontsha ka kakaretso tshebetso e batsi e tshwanetseng ho phethwa selemong se tlang, jwalo ka ho ferefa moaho o itseng, ho kampela ka terata, ho hlokomela diterata tse kampelang, ho reka mohoma o mong, dithuto tsa matsatsi a balemi a tshwanetseng ho etelwa, jwalojwalo.
Se tla hlahiswa ka ho qolleha selemong, ho hokae, le hore jwang, hape le hore sehlahiswa ka seng se tla mmarakwa jwang.
Ho lema dihekthara tse 4000 tsa poone e tshehla mabapi le mesebetsi ya polasi, e salang e tla rekiswa ka konteraka ho ba leng haufi.
Ho lema dihekthara tse 100 tsa soneblomo, e rekiswang ka konteraka.
Ho hlahisa disteers tse 200 tsa dikgwedi tse 20 tse tshwanetseng ho rekisetswa YYY Supermarket.
Ho hlahisa dikgoho tse 40 000 ka kgwedi tse ka rekisetswang XXX Chicken Wholesalers.
Ho ferefa setoro sa workshop le sa terekere.
Ho etsa letamo kampong ya 9.
Ho lokisa le ho boloka diterata tse kampelang.
Ho tloha moralong wa selemo - kakaretso le tlhahiso - moralo wa kgwedi o ka etswa.
Kakaretso - ho ferefa setoro sa workshop le sa terekere.
Moralo wa tlhahiso - mabapi le poone hlahloba masimo kaofela, mme mabapi le kotulo ya soneblomo e be dihekthara tse 100.
Dikgomo - phepelo ya lick ya mariha ya diphoofolo, phepelo ya creep feeding ya manamane, dikgomo tse tlositsweng letsweleng, fumana boima ba tsona, o tshwaye manamane kaofela ka moriana wa broad spectrum le ho fumana boima (mass) ba diphoofolo kaofela.
Dikgoho - etsa mesebetsi kaofela ya letsatsi, mmaraka ntlo ya bobedi, mme o lokisetse ditsuonyana ntllo ya boraro.
Maqalong a kgwedi, meralo ya beke le beke, mabapi le kgwedi ka nngwe, e ka etswa. Motheo wa meralo ya beke e theilwe ho ya kgwedi, ka kakaretso le ho ya ka tlhahiso.
Moralo wa ho qetela o tshwanetse ho ba wa letsatsi le letsatsi qetellong ya beke e fetileng, mme o bontsha ka botlalo se tla etswa letsatsi ka leng bekeng e tlang. Mohlala: Beke ya 9 - 13 Motsheanong 2011, (moralo wa beke le wa letsatsi e kopantswe theiboleng ya 1).
Sheba winter lick, creep feed.
Dikgomo tse tlositsweng letsweleng, tshwaya, mothamo, kala manamane a 100.
Sheba winter lick, creep feed.
Sheba winter lick, creep feed.
Sheba winter lick, creep feed.
Sheba winter lick, creep feed.
Lokisa heke ya holding pen.
(Ho phethahale kajeno).
Ha kotare e le kgutshwane , dintlha tse ngata di tshwanela ho kenyeletswa meralong. Hape hopola hore meralo e ke ke ya sitwa ho fetolwa, haholoholo, e seng kgwebong ya polasi. Ho teng diketsahalo tse ngata tse itlhahelang feela di sa lebellwa, tse kang ho tjha ha makgulo, ho robeha ha dintho, malwetse, jwalojwalo.
Moralo jwalo ka mosebetsi wa tsamaiso o sebetsa e le motheo wa ho hlophisa le ho kenya tshebetsong , e leng tse tla tshohlwa artikeleng e hlahlamang. Ntle le ho ba le moralo, ha ho taolo ya sebele e tla ba teng hobane moralo ke motheo wa pele mosebetsing wa taolo ka ho beha maemo a hlokahalang ho etsa taolo.
Nkong ya ho etsa moralo, ho hlophisa, ho Kenya tshebetsong, le ho laola, manejara o tshwanetse ho ba motho ya inehetseng mesebetsing e meng ya bomanejara, e leng, boetapele, ho buisana, ho Kenya tjheseho, ho sebedisa ba bang, ho hokahanya, ho etsa diqeto le ho boloka taolo. Mokgwa oo motho a keneng ka teng mesebetsing ena o laolwa ke boholo ba kgwebo.
<fn>PulaImvula. Planning(wheat).2011-03-14.st.txt</fn>
Hang ha o se o kotutse koro ya hao ya 2010, morero o batsi wa sehla se hlahlamang o a simolla. Ena ke nako e ntle ya ho hetla morao le ho sheba tse etsahetseng sehleng se fetileng le ho hlahloba tsamaiso tse fapaneng, hammoho le dintlha tsa tlhahiso ya dijothollo tse kentseng letsoho bolenng ba qetelo le kunong ya dijothollo.
Haeba direkoto tsa histori ha di a ka tsa bolokwa mabapi le masimo a mang le a mang, jwale ke nako e ntle ya ho kgona ho sebedisa dintlha tsa selemo se fetileng ka sepheo sa ho simolla mokgwa wa ho boloka dintlha.
Haeba moralo wa kgwebo o kenyelletsang moralo wa ditshenyehelo kaofela mabapi le sejothollo ka nngwe o ile wa etswa selemong se fetileng, dintho tse ileng tsa sebediswa hammoho le ditjeo tse bileng teng, tsena tsohle di tshwanetse ho bapiswa ka hloko le ditekanyetso tsa sethathong. Dintlha tse tshwaetsang tse kenngwang mobung hammoho le tse amanang le ditjhelete hammoho le maemo a tlelaemete a bileng le kabelo katlehong kapa ho nyopeng ha sejothollo se itseng, di ka elwa hloko le ho lekolwa ka sepheo sa ho fetola dintho kapa ho etsa ntlafatso.
Masimo a mang le a mang polasing a ka behwa leihlo mabapi le dintlha tse latelang: area ya masimo, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, monono wa mobu, ho fetofetoha ha maemo nakong ya lemo tse mmalwa. (Haeba tsena di le teng diphethong tsa diteko tsa mobu), phapantsho ya dijothollo, morero wa phapantsho ya dijothollo, sejothollo se qetelletseng ho jalwa ho kenyelleditswe matsatsi a ho jala, mofuta wa peo, sekgahla sa ho hola ha peo, palohare ya pula, pula e neleng nakong ya ho phetholwa ha mobu empa ho sa ka ha jalwa letho, pele sejothollo ka seng se jalwa, pula e bileng teng nakong ya ho hola ha dimela, taolo ya mahola e ileng ya sebediswa (ho kenyelleditswe dikhemikhale le sekgahla sa tshebediso se ileng sa fihlellwa le bokgabane sona), dibolayakokwanyana tse ileng tsa sebediswa le bokgabane ba tsona, kuno ya sejothollo le boleng ba sona.
Ditjeo tsa manyolo ke e nngwe ya ditjeo tse otlollohileng tsa sehlooho ho tse kenngwang mobung lenaneong la dijothollo. Tshebediso e kgabane ya lenaneo le rerilweng la menontsha sehleng ka seng le dihleng tsa hlahlamanang, ke yona e tla laola tlhahiso e phahameng ya kuno. Ho hlokolosi ho tseba boemo ba mobu wa hao, haholoholo ka mora sejothollo sa kuno e phahameng le pula e ngata e fumanweng mabatoweng a itseng moo menontsha e bohlokwa ya dimela e ka nnang yaba e nkilwe ke metsi a mangata a pula. Bosehla bo bakwang ke bosiyo ba nitrojene le sulphur bo ile ba totobala diterekeng tse ngata tsa mapolasi sehleng sena se fetileng. Mabapi le palohare e ka hodimo ya sejothollo, menontsha e lahlehileng e tlamehile ho kgutlisetswa, sepheo e le hore sejothollo se hlahlamang se kgone ho fihlella kuno e lebelletsweng. Ka sena kelellong tsa rona, disampole di tshwanetse ho nkwa masimong a mang le a mang a koro a ilo lengwa, mme di romellwe tekong.
Mehato e mengata e tshwanetse ho latelwa ho tiisa hore lenaneo le nepahetseng la teko ya kalaka le manyolo e tla ba le nepahetseng mosebetsing wa hao wa temo. Tsena di kenyelletsa pokello e nepahetseng le tlhokomelo ya disampole tsa mobu, mehato e loketseng ya teko, ditataiso tse fupuditsweng hantle mabapi le ho toloka diphetho, ntshetsopele ya dikgothaletso tsa sekgahla se nepahetseng sa menontsha, hammoho le ho kenyelletswa ha ditlhoko tse kgothalleditsweng tsa menontsha ya dijothollo lenaneong le akaretsang la tlhokomelo ya menontsha.
Sepheo sa teko ya mobu ke ho fumana bokgoni ba mobu ba ho fana ka menontsha e hlokahalang dijothollong tse holang le ho hlahloba mathata afe kapa afe a mobu a ka sitisang kgolo e ntle le tswelopele ya dijothollo. Ka kakaretso, dijothollo di itshetlehile haholo ka menontsha eo di e fumanang e le manyolo ha mehato ya teko ya mobu e eketseha. Teko ya mobu mabapi le letsopa le yona e fana ka monyetla wa sekgahla se nepahetseng sa sebolayalehola lenaneong la taolo ya mahola.
Ho bohlokwa ho nka sampole masimong a mang le a mang. Hekthara ya mobu ya botebo ba 15 cm e etsa boima ba 2 400 ditone, le teng ho itshetlehilwe ka ho phetholwa ha mobu, ho bokellana ha ona le ho teteana ha ona. Sampole ya ho qetela e romellwang laboratoring e ka nna ya etsa 0,5 ya kilogram, e leng moo ho ka nnang ha hlophollwa feela digram tse seng kae. Ka hoo, ho hlokolosi ho arohanya masimo a fapanang ka botebo ba mobu le mefuta ya ona, le tsona dibaka ka hara masimo, tseo re ka reng ha di emele boemo ba masimo kaofela. E batla e le tlwaelo hore balemi ba kenye manyolo ka sekgahla seo matshwao (calibrations) a reretsweng sebaka sohle sa masimo ka ho lekana, haese moo ho sebediswang sesebediswa sa satelaete se salang mehlala morao (GPS) hammoho le metjhine ya manyolo e hoketsweng plantereng.
Teko, ka hoo, ha e molemo hakaalo ho feta sampole e nkilweng masimong. Hopola hore ho teng ho fapana ho hoholo ha mebu masimong. Nakong e fetileng, ho ne ho nkuwa hore sampole e nkilweng dihekthareng tse ding le tse ding tse leshome tsa masimo e lekane. Le ha ho le jwalo, ho molemo ho reka kapa ho adima motjhine wa teko ya mobu (barrel auger), le ho tsamaya ka mokgwa o matswedintsweke (zigzag) masimong ohle ho tloha hodimo ho ya tlase, batho ba babedi, e mong a tshwere mokotla wa sampole ka nngwe, mme ho nkuwe sampole ya botebo bo seng pakeng tsa 15 cm le 20 cm, empa bo sa feteng 20 cm.
Lebokose la sampole le tshwanetse ho tshwauwa ka mokgwa o hlakileng mabapi le tsena - nomoro ya masimo, lebitso, aterese ya polasi, dinomoro tsa mohala, le letsatsi la ho nkuwa ha sampole, e le ho qoba pherekano e ka bang teng laboratoring. Ka mehla ho molemo ho phetha sena o sa le masimong e le hore ho se be teng phoso ya ho fapanya disampole. Disampole tsa mobu ha di a tshwanela ho nkuwa dibakeng tse fosahetseng, tse kang, dihlohong tsa masimo moo ho sa lengwang, diforong, dibakeng tsa kgale moo furu e entseng manyolo, dibakeng tse tlase tse ikentseng thajana, kapa sebaka sefe le sefe se hoholehileng.
Ho ya ka sethekgenike ho a kgonahala ho sebedisa Mekgwa e Batsi ya ho Emisa (Global Positioning Systems) ho hlwaya dintlha mokgweng wa keriti (grid) ho hlwaya dintlha keriting ka hara 0,5 ho isa ho 4 mithara moo dintlha di kopanang teng kapa ho qhalanya disampole ka hara keriti. Jwale disampole di ka nna tsa bapiswa nako le nako nakong e tlang, mme diphetoho tse fapaneng mabapi le monono wa mobu di ka dula di beilwe leihlo nakong e telele. Diphetho tsa dintlha (data) di ka fihlellwa ka Mokgwa Tsebiso ya Mobu (Ground Information System (GIS) e le hore karete e bontshang mmala, e bontshang pH, calcium, magnesium, phosphate, sulphur, nitrogen, micro nutrients hammoho le diphetoho tse ding tsa teko ya mobu, e ka hlahiswa, e leng e bontshang ponahalo e hlakileng ya bothata bo leng teng masimong. Mabatoweng a mangata centre pivots di dula di hlahlojwa ka mokgwa wa keriti, empa ho sebediswa dihekthara.
Nako e ntle ka ho fetisisa ya ho etsa disampole ke ha o ipha nako ya ho etsa ntho e phethahetseng, ha o etsa kahlolo e ntle ka ho arola masimo dikotwana tse lekanang tsa ho etsa disampole nakong yona eo selemo le selemo ka mora kotulo kapa sebakeng se le seng phapantshong ya dijothollo. Ho molemo ho romella disampole laboratoring nakong eo e se nang mosebetsi o mongata. Ho rera ho tshwanetse ho etswa ka nako ka moralo o phethahetseng wa kgwebo, hammoho le ho hokahana le baemedi bao boikarabelo ba bona e leng ho fana ka lesedi dikgothaletsong tse mabapi le manyolo.
Hlokomela hore mokotla wa sampole ka nngwe o totobatsa masimo ka ho hlaka, le hore sampole e na le nomoro ya yona e ikgethang, le hore mekotla e bolokwa e baballehile moo motjheso o seng mongata, sebakeng se phodileng, le hore e romellwa laboratoring kapele hoba e bolokwe jwalo.
Kgetha laboratory eo kgafetsa e etelwang ke mang kapa mang neng kapa neng ho hlahloba bokgoni ba mobu ka metjhine e tshwailweng, e leng ya mekgatlo ya tsa mebu (agronomy). Dintlha tse ding tse ka shejwang ke, diphetho tse nepahetseng tsa tlhophollo, mekgwa e nepahetseng ya teko/hlahlobo ya mobu, tshebeletso e ntle e kang ho hlahlobisisa ho etsa bonnete hore phoso ha di yo, nako e potlakileng ya ho phetha mosebetsi, bokgoni ba ho romela diphetho tsa teko ka elektronike, ditjeo tsa tshebeletso, le boikemisetso ba ho buisana ka bolokolohi pakeng tsa hao, baemedi le basebeletsi ba laboratori. Khansele ya Diphuputso tsa Mobu (ARC) mane Bethlehem e kgotsofatsa ditlhoko tsena. Le ha ho le jwalo, dilaboratori tse ding di ka nna tsa sebediswa haeba teko ya sulphur e hlokahala.
Dilaboratori tse ngata ka ho fetisisa di na le sehlopha sa diteko tsa sehlooho tseo ka tlwaelo di etswang e le tse tlwaelehileng, mme di etswa ka ditefello tse utlwahalang ha di bapiswa le molemo o fumanwang diphethong.
Etsa hore o nka disampole kaofela masimong ohle moo o hopotseng ho ya jala koro teng - hopola ho ela hloko pH ya mobu ka ha ho ka nna ha hlokahala hore o sebedise kalaka pele o jala.
<fn>PulaImvula. PlanningMaize.2010-02.st.txt</fn>
O sitwa ho phaphama borokong, o be o se o re o jala sejothollo. Ho hlahisa dijothollo ka sepheo sa ho etsa kgwebo ha se thaka motho, empa ke taba e batlang boitokisetso bo boholo.
O itokiseditse ho jala eng sehleng see?
Di ngata dintho tse batlang ho nahanisiswa pele ho ka arajwa potso ena.
Matsatsi a lebelletsweng a serame.
Pula e lebelletsweng.
Botebo ba mobu.
Mehato ya bongata ba pH le esiti mobung.
Ho fumana tse sebediswang tlhahisong.
Thuso ya ditjhelete o tla e fumana hokae?
Tlhahiso ya dijothollo e se e le taba e phahameng haholo ka ditjhelete, mme ditjeo tsa tlhahiso mobung o ommeng di mathela mane ho R5 000 hekthara ka nngwe.
Ke hokae moo o ka etsang kopo ya kadimo ya tjhelete ya tlhahiso?
Ke sekgahla se sekae sa tswala se tla ameha?
Nako ya kadimo ke e kae?
Ha eba o adingwa tjhelete, na phaello thekisong ya dijothollo e tla kgona ho lefella kadimo eo?
Wena o ka fana ka tshireletso efe mokgatlong o adimanang ka tjhelete Hopola hore batho le mekgatlo e adimanang ka tjhelete ke batho ba leng kgwebong, mme ba batla ho etsa phaello ka tjhelete ya bona. Phaello eo ba e etsang e fumanwa ka tswala eo ba o lefisang yona. Ha ho motho ya batlang ho lahlela tjhelete ya hae metsing, mme ka baka lena, ya adimanang ka tjhelete o batla ho etsa bonnete hore tjhelete ya hae o tla boela a e fumana hape jwalo ka ha tumellano e entswe?
Tjhelete e tla fumaneha neng Ena e ka nna ya tadingwa eka ha se taba ya bohlokwa, empa tlhahisong ya dijothollo, ditokiso tsa mobu di simolla dikgwedi tse ngata pele sejothollo se ka jalwa. Ha eba tjhelete e tla tla nako e se e ile, masimo a ke ke a lokiswa ka ho phethahala, mme mohlahisi/molemi o ipeha kotsing tsa kuno tse fokolang?
O tla mmaraka dijothollo tsa hao jwang?
Ha eba sepheo ka dijothollo tsa hao ke ho itjella tsona, e tla ba he, mmaraka ha se taba eo o e hlokang. Le ha ho le jwalo, hang ha o simolla ho hlahisa dijothollo ka sepheo sa ho di rekisa, o tshwanetse ho nahana ka taba ya ho mmaraka dijothollo tsa hao.
Ke mang ya tla reka sehlahiswa?
Ke poreisi efe e tla lebellwa?
Dijothollo di tla fihla jwang mmarakeng?
Ke mang ya tla tsamaisa dijothollo (teranseporoto)?
Ke mang ya tla lefella teranseporoto?
Ho phetholwa ha pele ha mobu ke taba e hlokolosi, mme taba e bohlokwa le ho feta ke hore ho phetholwa ha mobu ho tlamehile ho etswa ka nako e nepahetseng.
Hantlentle sepheo sa ho phethola mobu ke sefe?
O tla simolla neng ho phethola mobu?
Ke sesebediswa sefe se tla sebediswa?
Na o na le diterekere tse lekaneng ho etsa mosebetsi o hlokahalang wa ho phethola?
Boemo ba disebediswa ke bo jwang, mme na di ka phetha mosebetsi oo?
Hantlentle sepheo sa ho phethola mobu ke sefe?
O tla simolla neng ho phethola mobu?
Ke sesebediswa sefe se tla sebediswa?
Boemo ba disebediswa ke bo jwang, mme na di ka phetha mosebetsi oo?
O tla reka peo hokae?
Ke mang ya tla o eletsa mabapi le peo e nepahetseng?
Na o se o ile wa nahana ka bolelele ba sehla sa kgolo, mme wa etsa morero o hlokahalang mabapi le peo ya hao?
Palo ya dimela tse tla lebellwa hekthareng ka nngwe e tla ba e kae?
Na o se o nkile disampole tsa mobu?
Na o se o fumane diphetho tsa hlophollo ya mobu?
Na o teng motho ya seng a entse dikgothaletso tse nepahetseng tsa manyolo masimong a mang le a mang moo sejothollo ka seng se tla jalwa ho ona?
Na dikgothaletso tsa manyolo di dumellana le kuno eo o e habileng?
O ilo sebedisa manyolo afe?
O ilo sebedisa dikilogramo tse kae hekthareng ka nngwe?
Mosebetsi wa ho jala mohlomong ke ona feela mosebetsi o bohlokwa ka ho fetisisa saekeleng ya tlhahiso ya dijothollo.
Na plantere e ka tshwauwa (lekanngwa) ho ya ka mehato e fapaneng (Na o na le dipoleiti tse nepahetseng, di-gears (dikere) le disprokete?
Bophara boo o bo batlang ba mela ke bo bokae?
Hobaneng o entse qeto ka bophara bo bokaalo ba mela?
Ha eba o ilo lokisa mobu (cultivate) hoba peo e mele, na sesebediswa se ilo lokisa mobu se tla kgona ho sebediswa bophareng boo ba mela?
O hloka palo e kae ya dimela?
O rerile ho sebedisa manyolo a makae?
Na o ka tshwaya plantere ka bowena, kapa ke mang ya tla o tshusa ho e tshwaya?
O rerile jwang ho laola mahola dijothollong tsa hao?
Na o na le sephetholamobu (cultivator)?
Na sephetholamobu see se tshwauwe hore se sebetse ka bophara bo le bong ba mela jwalo ka terekere?
Na meno a sephetholamobu a tshwauwe ka nepo?
Na o na le sefafatsi?
Na dikarolo kaofela tsa sefafatsi di maemong a matle a tshebetso?
Ke mang ya ilo tshwaya sefafatsi?
Ho ilo sebediswa dikhemikhale dife?
Ho tla sebediswa bongata bo bokae ba khemikhale efe?
Ke mohatong ofe saekeleng ya tlhahiso ya dijothollo moo dikhemikhale di tshwanetseng ho sebediswa?
Na mongobo ke o lekaneng hore peo e ka mela?
Peo e tshwanetse ho jalwa botebo bo bokae?
Na o fela o sunya palo e nepahetseng ya peo mithara ka mong?
Na o fela o kenya kilograma tse nepahetseng tsa manyolo hekthara ka nngwe?
Na o sebedisitse dibolayalehola (herbicides) le dibolayakokwanyana jwalo ka ha ho rerilwe?
Ha mosebetsi wa ho jala o phethilwe, na plantere e hlwekisitswe le ho bolokwa ka nepo?
Ha mosebetsi wa ho fafatsa o phethilwe, na sefafatsi se hlwekisitswe le ho bolokwa ka nepo?
Ke sefe se tshwanetseng ho tshelwa hodima mobu?
Se tshwanetse ho tshelwa neng?
Ho tshwanetse ho tshelwa ho hokae?
Ha eba o tseleng ya ho ba mohlahisi wa makgonthe, ha eba o sebetsa ka thata, ha eba o sebetsa hantle jwalo ka seithati sa motho, o tshwanetse ho itokisa, ho itokisa le ho itokisa le ho etsa ntho e nngwe le e nngwe ka nepo le ka nako! Ha ho moriana o fetang ona!
<fn>PulaImvula. Plans(maize).st.txt</fn>
Hang ha merero kapa meralo ya mesebetsi ya nako e tlang e se e phethilwe, mme mehlodi ya batho le e bonwang ka mahlo e se e hlophisitswe, taba ya ho kenya meralo tshebetsong ho ya ka maemo a lebelletsweng e ka tswela pele.
Ho kenngwa tshebetsong ha diketso le mesebetsi e rerilweng ho reretswe ho fihlella sepheo sa kgwebo. Ke bothoto ho shebana feela ka ho phethahala le moralo le tlhophiso, mme ho sa tsotellwe taba ya ho Kenya tshebetsong. Le teng, katleho ya ho kenya dintho tshebetsong e ka sitiswa ke moralo o fokolang le/kapa tlophiso e fokolang. A re keng re tsepamiseng maikutlo tabeng ya ho kenya dintho tshebetsong, e leng mosebetsi wa boraro wa tsamaiso.
Ha re etla tshebetsong, mme re bile re bua ka ditaba tsa mangolo a fetileng a kang lena, tse mabapi le moralo (Phupjane Pula Imvula) le tlhophiso (leqephe la 4), re ke re tle letsatsing le kang, mohlala, la 9 Motsheanong, moo re lemohang hore se neng se rerilwe se tlamehile ho kenngwa tshebetsong.
Hlahloba masimo a bohlano.
Buka ya ho rekota.
Phethilwe, ha ho bolwetse bo lemohuweng.
Kotula masimo a boraro, dihekthara tse leshome.
Padiso, Vosloo, basebetsi ba 2 ba nakwana.
Motjhine o kotulang.
Diterekere 2 le ditereilara.
Phethilwe hekthara tse 9.
Hlahloba dijo tse nyekwang le tse tshelwang sejelong.
Marole, tshwaya, tekanyo ya moriana, manamane a 100.
Moloto, Abram, Kagiso le Hendrik.
Pere, buka ya ho rekota.
Pere, buka ya ho rekota.
Menyetla ya tshwaro ya dikgomo, Sesebediswa sa ho tshwaya, meriana le disebediswa tsa ho metha, sekala le buka ya ho rekota.
Dikgomo di sa lokile.
Dijo sejelong kampo ya boraro di tlatsitswe.
100 manamane le mesebetsi e phethilweng.
Lokisa ntlo ya boraro (tlosa mealo ya kgale).
Mesebetsi ya ka mehla Matlo ya pele le ya bobedi.
Johanna, Minah, Johannes.
Sarah, Monica, Dawid.
Dikhupha, mekotlana le tereilara.
Dithuluse tse ka tshwarwang ka letsoho.
Ntlo e lokisitswe.
Mesebetsi ya letsatsi e phethilwe.
Ferefa sebaka sa ho sebeletsa.
Rakonteraka wa poraevete.
Dithuluse tsa hao, jj.
Mosebetsi tswela pele hantle.
Ho kenya tshebetsong ka ho qolleha ho etswa ke lefapha la mehlodi ya batho kapa basebetsi ba kgwebo, mme ba tshwanetse ho akofiswa hore ba etse mosebetsi hantle. Hore ho kenngwa tshebetsong ho atlehe, ke boikarabelo ba manejara hore e be motho ya inehetseng, ya kgothetseng mesebetsing e meng ya hae ya tsamaiso, e kang boetapele, ho buisana , ho kgothaletsa, ho fa batho mesebetsi, ho hokahana le ho hlokomela hore taolo e dula e le teng.
Boetapele bo matla ba ka hare ba tsamaiso bo a hlokahala hore mohato wa ho kenya tshebetsong o atlehe, mme mekgwa e metle ya ho ntshetsa pele merero/meralo e tshwanetse ho dula e batlwa ka nako tsohle. Bomanejara ba tshwanetse ho etella pele mosebetsing wa ho kenya dintho tshebetsong, e seng ka ho iketsetsa dintho ka bobona, empa ka ho kenya tjheseho basebetsing ba bona. Hore basebetsi ba kene seemeng, ba tshwanetse ho kgothaletswa ka matla. Tsamaiso e tshwanetse ho batla batho ba itetseng, ba ikemiseditseng ho etsa tsohle ka matla ohle a bona. Nakong ya ho kenya tshebetsong, tsamaiso e tshwanetse ho fana ka tataiso e hlokahalang, sena se tsosa morolo bathong.
Puisano e hlakileng ke ya bohlokwa haholo hore ho kenngwa tshebetsong e be taba e atlehileng ya tse rerilweng. Diatelo di tshwanetse ho hlaka, mme di tobe taba hantle. E mong le e mong ya amehang karolong e itseng ya ho kenya dintho tshebetsong o tshwanetse ho tseba ntle le tikatiko hore ke mang ya tshwanetseng ho etsa eng, neng, boemong bofe, le hore ho habilwe hokae.
Nakong ya ho kenya dintho tshebetsong, boemedi ke taba ya bohlokwa. Menejara o sitwa ho iketsetsa dintho a le mong. Boholo ba boemedi hangata bo tla laolwa ke boholo ba kgwebo le/kapa mosebetso o itseng, o qollehileng. Hape bo tla laolwa ke hore na tsamaiso e batla ho kena ka setotswana ho le hokae tshebetsong ena, kapa e tla ba ka thoko feela e le boemong ba ho eletsa feela na.
Ho bohlokwa ho ela hloko kgokahano pakeng tsa dihlopha tse fapaneng tsa batho. Tsamaiso ya kgwebo e tshwwanetse ho lelemela ha monate hore ho kenya dintho tshebetsong ho atlehe. Haeba kgokahano e kgineha kaekae, hona ho tla senya nako le yona tjhelete. Hopola hore tjhelete e kenang - e tswileng = phaello kapa tahlehelo. Mohlaleng wa rona, haeba meriana e lokelang ho fuwa manamane e le siyo Mantaha hoseng, ho totobetse hore mosebetsi wa ho kenya dintho tshebetsong o tla diehiswa.
Ha re kena tshebetsong, hangata ho a hlokahala hore tsamaiso e etse diqeto ka potlako hore tshebetso ya dintho e nne e lelemele hantle e sa kginwe ke letho. Ha terekere e pantjhelwa ke lebidi nakong ya kotulo, phephetso e tjena e rarollwa jwang O sebedisa terekere e nngwe?
Taolo ya boitshwaro, e leng ya bohlokwa ka ho fetisisa, e tshwanetse ho dula e hlokometswe ka nako tsohle ho tiisa hore ho kenngwa tshebetsong ha dintho e ba ho nepahetseng. Na mosebetsi o etswang o le tlasa maemo a lebelletsweng o a amoheleha Haeba taolo e mpe ya boitshwaro e sa rarollwe ka nepo, hona ho ka ba le sekgahla se sebe haholo mesebetsing e tshwanetseng ho etswa?
Tshebetsong ho a etsahala hore motho a shebane le mesebetsi e mmedi kapa e mengata, mme re hopole hore mesebetsi e meng e sa rerwang e ka nna ya ropoha e sa lebellwa - ho tjha ha naha/makgulo, poho ya hao e ntle e ka nna ya wela seretseng. Boiphihlelo bo bontshitse hore ha se mesebetsi yohle e ka etswang ka nako e le nngwe. Qeto e tshwanetse ho etswa ya hore ke efe e ka phallelwang pele - ya bohlokwa, e tlang pele ke efe?
Mesebetsi e nang le sekgahla tjheleteng e kenang le/kapa e amang basebetsi ba hao, mohlala, e ka bakang hore ba sebetse le ka mora dihora tsa mosebetsi, e tadingwa e le ya bohlokwa.
Bohlokwa bo tlase/potlako e tlase.
Mesebetsi e tlang pelepele e ka tadingwa e le ya bohlokwa bo phahameng/potlako e phahameng. Bohlokwa bo phahameng bo bolela hore mesebetsi eo e ka ba le sekgahla tjheleteng e kenang - ha e ka etswa kapele e ka eketsa tjhelete e kenang - haeba e sa etswe e ka nna ya fokotsa tjhelete e kenang. Hape e ka nna ya ba mosebetsi o nang le sekgahla ditshenyehelong (tjheleteng e tswang). Haeba e sa etswe hanghang e ka nna ya eketsa tjhelete ya ditshenyehelo.
Potlako e amana le nako eo o nang le yona ya ho etsa mosebetsi o itseng - o tshwanetse ho etswa hanghang/kajeno kapa o ka nna wa etswa hamorao. Ha ho ntse ho kotulwa, mme ho eba teng phoso e itseng ya motjhine, tokiso ya sesebediswa kapa terekere e tla tadingwa e le mosebetsi wa bohlokwa bo phahameng/potlako e phahameng - o tlang pele. Ka mokgwa o jwalo, ha kgomo e ena le bothata bo itseng ka manamane a yona, haholoholo dikgomong tse reretsweng ho etsa manamane. Taba ya ho ngola faeleng ofising e ka nna ya etswa hamorao. Mosebetsi ona o ka tadingwa e le wa bohlokwa bo tlase/potlako e tlase kapa o sa tleng pele. O ka nna wa tjhesisetswa morao.
Ka baka lena, ho a hlokahala, mme ho bohlokwa ka ho fetisisa ho fihlella tsohle tse reretsweng kgwebo ya hao, ho kenya dintho tshebetsong ka ho phethahala, merero/meralo yohle ho ya ka maemo a lebelletsweng.
<fn>PulaImvula. PlanterMaize.2008-10.st.txt</fn>
Tsebo ya hao e ntle ho le hokae ya dikarolwana tse fapaneng tsa plantere?
Ikgopotse tsona ka ho bala artikele ena moo dikarolwana kaofela di bontshwang le ho hlaloswa.
Ona ke mokokotlo oo plantere kaofela ha yona e hokahantsweng ho ona, hammoho le kgokahano pakeng tsa plantere le terekere.
Tsena ke ditshelo tsa peo le manyolo. Di ka etswa ka polasetike e thata kapa tshepe.
Ana ke mabidi ao plantere e iswang bakeng se seng ka ona.
Lena ke lebidi le tsamaiswang ka ho thetsana le mobu ho tswa plantereng e tsamayang. Lebidi lena le tsamaisang (drive wheel) le matha ka lebelo la terekere. Sepheo ka lebidi lena ke ho tsamaisa tshebetso ya plantere - e leng tshebetso ya ho metha peo le manyolo.
E le hore o kgone ho laola lebelo la tshebetso ya ho tswa ha peo le manyolo, ho sebediswa mokgwa wa dikere tse sebedisang diketane le disprokete. Dikere tsena le diketane tsena di hokanngwa ho ya ka ratio tse fapaneng e le ho fihlella boemo le tshebetso bo batlwang.
Ho teng mefuta e fapaneng ya dipoleiti, e fapanang ka boholo le dibopeho ho ya ka sejothollo se jalwang hammoho le boholo ba peo (ntle le diplantere tsa moya).
Sena hangata se ka pele plantereng, mme se teng ka mehla diplantereng tsa no-till (tse sa phetholeng mobu), e leng moo ho nang le tse ngata tse bolang ka hodima mobu.
Tsena ke tse behang mobu ka hodima manyolo le peo e jetsweng.
Ana ke mabidi a manyane karolong e ka morao ya plantere moleng ka mong, e leng a hatellang mobu hore kamano/thetsano e be e ntle pakeng tsa peo le mobu.
Sena se ka ba le kgatello ya moya o sututsang kapa o hulang.
<fn>PulaImvula. PlantingWheat.2009-06.st.txt</fn>
Mofuta wa tokiso ya tshingwana ya peo, ebang ke ka mora mokgwa wa sejwalejwale wa temo kapa wa sekgalekgale, ke wona o tla laola mofuta wa plantere e sebediswang.
Lekgapetla le thata le bakwang ke mohoma le tshwanetse ho rojwa pele ho jalwa, kapa nakong ya ho jala, mme ho sebediswe meno a loketseng (tines) a mohoma - meno a tshwanetse ho tshekalla hore a fapane le mola wa diski, e leng oo ho jalwang ho ona. Sepheo ke ho thibela hore peo e se fumane e jetswe feela botebong bo fetang tekano.
Mokgwa wa sebele wa ho jala, ekaba moo ho sebediswang mokgwa wa sejwalejwale wa ho phethola mobu kapa wa sekgalekgale, ke wa ho sebedisa diski e sehang, mme e latelwe ke setabodi (ripper tine) se robang lekgapetla le thata la mobu pakeng tsa diski tse sebetsang di le pedi, e leng tse behang peo ka nepo botebong bo batlahalang. Molemo wa ho roba mobu pakeng tsa diski tse pedi ke hore mobu o a rojwa hore metso e tshekaletseng e kgone ho kenella mobung. Tshingwana ya peo ha e tshwenngwe, ebile ha e omelle, e leng se etsang hore peo e jalwe hantle e thetsane le mobu o tiileng, o mongobo.
Ntlha ya bohlokwa e lokelang ho elwa hloko pele mosebetsi wa ho jala o simolla, ke kuno e habilweng.
Dipaterone tsa pula le ho noha maemo a lehodimo (bosa).
Hang ha kuno e habilweng e se e hlwailwe, jwale ho ka laolwa taba ya ho potlaka ha ho mela ha peo. Hang ha kgetho ya mefuta e se e entswe, dikgothaletso tsa khamphane ya peo di ka latelwa.
Koro e na le bokgoni bo boholo ba ho tlatselletsa dikgeo kunong, ho itshetlehilwe ka maemo a kgolo le ntshetsopele. Dimela di hlahisa dikutu tse hlahang di tswa ka tlasa mobu. Sena se tlatselletsa kgaellong e ka bang teng ya palo ya dimela, kapa ho hloka dikutu tse jwalo moo palo ya dimela e phahameng. Sena se fana ka monyetla o batsi mabapi le sekgahla sa ho mela ha peo. Mohlala, mofuta wa kgale wa peo e theohileng maemong a yona, e leng wa Scheepers 69 o ka jalwa a: 12,5 ho isa ho 15 kg hekthara ka nngwe, mme wa nna wa fihlella kuno ya 2,5 tsa ditone hekthara ka nngwe selemong se ka hodimo sa palohare mobung o tlohetsweng o sa etswa letho.
Mobu o tlohetsweng feela ke mobu wa temo o ka hlaloswang o le nakong ya phomolo ka mora sejothollo sa nako e tefetileng se jwalo ka poone, e le hore ho latela mokgwa wa phapanyetso ya dijothollo, ho bokella mongobo, ho laola lehola le dikokwanyana le ho ntlafatsa ho phetholwa ha mobu. Kuno tse tlwaelehileng tsa palohare di ka ba ho ka etsang 1,4 ditone hekthara saekeleng ya koro ho isa ho koro kapa tone tse pedi hekthara ka nngwe ka mora saekele e phethahetseng ya ho tlohela masimo a ituletse feela. Mofuta ona wa peo o na le bokgoni ho hlahisa dikutu tse ngata le ho kgona ho shebana hantle le pula hamorao nakong ya sehla ka mora nako ya komello.
Mefuta e metjhanyana ya mabasetere ya koro e thata ya mariha, e nang le bokgoni ba tlhahiso ya protheine ya 13% e batla e hlahisa dikutu (stool) tse ropohang tlase tse ka bang robedi ho isa ho leshome le metso e mmedi semela ka seng. Ka dimela tse 20 sekwere mithara ka nngwe, palo ya dikutu (tillers) tse qetellang ka dihloohwana tse kotulehang, e ka ba pakeng tsa 160 le 240 sekwere mithara ka nngwe.
Ka dipeo tse 35 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 160 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 1,4 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa. (Ditshenyehelo tsa kotulo ha di a kenyeletswa). Ka dipeo tse 40 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 160 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 1,6 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa. Ka dipeo tse 40 hloho ka nngwe le 25 mg kernel ka nngwe ka ditsejana tse 240 sekwere mithara ka nngwe, kuno ya 2,4 ditone hekthara ka nngwe e ka fihlellwa.
Bongata bo kgothaletswang ba ho jala le kgolo ya mefuta e fapaneng ya peo ya mabasetere e jetsweng ka nako tse fapaneng ho tloha ho hwetla ho fihlela mathwasong a mariha ka ho qolleha mabapi le sebaka seo o leng ho sona sa ho lema, bo ka fumanwa dikhamphaneng tse hlahisang dipeo hammoho le Small Grain Centre, e leng tse nang le peo e fetileng ditekong ho ya mebarakeng. Ho boetse ho a kgothaletswa ho buisana le bahlahisi ba thuthuhileng ba koro, baemedi ba mapolasi le ditshebeletso tsa katoloso tsa agribusiness mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya dipeo hammoho le sekgahla sa ho mela ha peo, tse ka sebetsang lebatoweng la hao la temo.
Hopola hore sekgahla sa ho hola ha peo le matsatsi a ho jala di tshwanetse ho dumellana le mongobo o fumanehang, boemo ba monono, manyolo, bokgoni ba mobu le dipaterone tsa pula polasing ya hao. Boiphihlelo mosebetsing ka mora nako bo tla o bontsha hore sekgahla sa ho mela ha peo mabapi le mefuta e fapaneng ya peo ke sefe polasing ya hao. Sekgahla se tlase haholo se tla sitisa kuno le ho kgothaletsa tlhodisano le mahola. Mefuta e meng ya moraorao ya peo e bonahala e fokola tlhahisong ya dikutu tse ropohang tlasa mobu, mme hangata ho jalwa 30 kg hekthara ka nngwe. Sekgahla se phahameng haholo se hlahisa dimela tse fokolang tseo kaofela di hlodisanang mabapi le mongobo o bolokilweng wa mobu, menontsha le sebaka sa ho hola, e leng se qetellang ka metso e fokolang, e tshekaletseng mahlakoreng (secondary roots). Hape ke taba ya bohlokwa ho etsa hore plantere ya hao ya koro e ntshe le ho jala bongata bo nepahetseng ba peo hammoho le dikgeo tse lekanang pakeng tsa dipeo.
Hlahloba 'settings' tsa plantere ya hao sebakeng seo ho lokiswang ho sona, ebe o metha peo le manyolo a sebedisitsweng hekthareng e methilweng ka nepo. Ha eba boholo ba sebaka pakeng tsa meedi kapa masimo a manyane bo tsejwa, tekolo e nepahetseng ya sekgahla sa ho jala e ka etswa ka lebelo le tlwaelehileng la tshebetso ya terekere le plantere. Hangata 'setting' tsa terekere e eme ka moo ho sebeletswang ka teng ha di dumellane le maemo a nnete a tshebetso masimong. Ho jala sebaka se batsi, kapotlako e fatshe kapa e phahameng ya peo kapa sona sekgahla sa manyolo, ho kgannela tshenyehelong e kgolo ya ditjhelete.
<fn>PulaImvula. Practice.2008-04.st.txt</fn>
Na o etsa seo re se bolelang?
O ka isa pere metsing, empa o ke ke wa e qobella ho nwa metsi! Nako e fetang selemo, e fetileng, ke batho ba fetang 2 000 ba bileng teng dithutong tsa kwetliso, tse neng di tsamaiswa ke Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Mohlomong jwale ke nako ya ho ipotsa dipotso - ke sekgahla sefe seo kwetliso ena e nang le sona ditlwaelong tsa temo tsa balemi?
Ke hlahisa dijothollo tsa ka mobung o jwang?
Ke jetse dihekthareng tse kae?
Botebo ba mobu e bile bo bokae?
Boemo ba pH ya mobu wa ka ke bofe?
Boemo ba menontsha ya mobu wa ka (N, P le K) ke bofe?
Pula ya selemo e lebelletsweng lebatoweng la ka ke e kae?
Selemong se tlwaelehileng, ke kuno e kae e ka lebellwang lebatoweng la ka?
Na ke na le lekgapetla la mohoma (plough pan) masimong a ka?
Ke jetse dijothollo dife, le hore na e bile kgetho e ntle?
Nako e ntle ya ho jala ke efe, hobaneng e le nako e ntle?
Ke entse qeto jwang mabapi le manyolo, mme ho ka sebediswa a makae?
Ke mofuta ofe wa peo oo ke ileng ka o jala, mme ke kgannilwe ke eng?
Palo ya dimela ke e kae eo ke neng ke e lebelletse?
Ke palo e kae ya dimela eo ke ileng ka e fumana qetellong?
Ke manyolo a makae ao ke neng ke rerile ho a sebedisa, ke fihleletse eng?
Ke nkile mehato efe taolong ya dikokwanyana le malwetse dijothollong tsa ka?
Taolo ya ka ya mahola e bile jwang?
Ke manyolo afe a iphetotseng moleko masimong a ka?
Ke sebedisitse tjhelete e kae ho hlahisa dijothollo?
Ke poreisi e kae tone ka nngwe eo ke e fihlelletseng Papisong le tse ding teng maemo ke afe?
Dijothollo di ntjele bokae hekthara ka nngwe?
Dijothollo di ntjele bokae tone ka nngwe?
Hoba ke kotule dijothollo tsena, ke hopotse ho jala eng lemong se tlang?
Ke tla tshehetsa dijothollo tse hlahlamang jwang ka tjhelete?
Na diterekere tsa ka di lekane ho sebetsana le masimo a ka?
Na ke tla kgona ho phetha mosebetsi kaofela ka nako e nepahetseng?
Na ke na le disebediswa tse hlokahalang ho hlahisa dijothollo?
Ha eba o hloleha ho araba dipotso tsena, mohlomong ho ka ba molemo ho nyarela hape bukaneng ya tataiso kapa wa ba teng ka seqo thutong e nngwe. Tsena ke dintlha tsa motheo ruri, mme ha eba o ilo ba mohwebi wa molemi o tlamehile maoto le matsoho ho araba dipotso tsena ka bowena.
Na o na le masimo?
Ke mang ya sebetsang tsa temo masimong a hao?
Merero ya hao ke efe mabapi le tshebediso ya masimo ana nakong e tlang?
Ipotse dipotso tsena e le hore o be le karabo e hlakileng mabapi le ntshetsopele ya hao jwalo ka molemi - na ruri o batla ho ba molemi kapa o rata ho etsa tjhelete ka masimo a hao le ha o dula o le siyo polasing?
<fn>PulaImvula. Price(maize).2011-09-27.st.txt</fn>
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi ya beileng meja fatshe
Mangolo a nako e fetileng a Pula/Imvula a bontshitse mehato e hlokahalang mabapi le ho tswakanngwa ha dijothollo tsa lehlabula tse loketseng masimo a hao, ho ntse ho sa lebalwe merero ka mehlodi, bokgoni ba mobu, phapantsho ya dijothollo le ditheko tsa nako e tlang tsa mmaraka. Pula/Imvula ya kgwedi ena e akaretsa lethathamo la ditaba tsa bohlokwa tse amang balemi ba entseng qeto ya ho kenyeletsa poone sehleng se tlang sa tlhahiso ya dijothollo.
Ditheko tsa nako e tlang tsa poone e tshehla le e tshweu di batla di theohile hanyane kgweding ya Phato 2011 moo re lemohang hore ditheko tsa nako e tlang di tla ema e le R1 840 mabapi le poone e tshehla le R1 815 mabapi le e tshweu kgweding ya Phupu 2012. Ka hoo, re ka sheba R1 615 tone ka nngwe e le e kenang mokotleng wa molemi, moo ditshenyehelo tsa teranseporoto e tla bang R215 ho isa ho R225 tone ka nngwe.
Boleng bo sallang molemi pooneng, e leng bo ka romellwang dinaheng tse ka ntle e ka ba R1 717 tone ka nngwe. Hona ho tsejwa e le theko e bontshang phapang thomellong ka ntle. Boleng bo fumanwang ha ho romellwa poone e tswang ka ntle e ka ba R2 894 tone ka nngwe e fihlang Randfontein. Hona ho tsejwa e le theko e bontshang phapang thomellong e kenang ka hare. Ka hoo, re ka dumela hore theko ya jwale le ya nako e tlang naheng ya rona e theilwe hodima boleng ba phapano thomellong ya tse tswang ka ntle ho naha.
Hona ho bontsha hore ho sa le teng poone e ngata e sa hlokweng mmarakeng wa rona wa selehae, le hore ho teng maikutlo a matle mabapi le boteng ba poone sehleng se tlang. Ho behwa kapa ho laolwa ha theko ho tshwanetse ho ela hloko dintlha tsohle tse amanang le tlhahiso, tse kang, hara tse ding, boemo ba mobu, ditlhoko tsa bareki, thepa e leng teng matsohong, le poone e sa ntseng e tshwanetse ho tsamaiswa, sekgahla sa phapanyetsano sa ranta/dolara, maemo a tlhahiso a mose ho mawatle hammoho le sekgahla sa phaello ya selehae mabapi le tjhelete e adimilweng.
Boleng ba poone ya ho qetela e ileng ya iswa disiung e etswa ho balemi e ne e ka ba tlasenyana ka baka la dipula tse ngata tse bileng teng nakong ya sehla sa kotulo, mme boleng bo ka baka ho phahama ha ditheko tsa poone ya boleng bo botle. Dula o hopola hore dintlha tsena tsohle di ka nna tsa fetoha nakong eo poone e kotulwang ka yona selemong se tlang, kgweding ya Phupu 2012.
<fn>PulaImvula. Prices.2008-08.st.txt</fn>
Ditheko tse nyolohang tsa dijo, haholoholo tsa dijo tsa mehla, di ntse di le ka sehlohong ditabeng dikgweding tse mmalwa tse fetileng hape bareki ba fumana theko e hodimo ya borotho e le boima ho e kwenya. Mabaka ao ho fanwang ka ona mabapi le dinyollo tsena ke ho nyoloha ho matla dithekong tsa diphahlo tsa temo mebarakeng ya matjhaba le tlhokeho ya diphahlo tsena mebarakeng ya hae mona.
Papisong ya ditheko e entsweng mahareng a ditheko tsa konteraka tsa Safex le ditheko tsa borotho tsa dikgwedi tse nyallanang kerafong, ho a bonahala hore theko ya koro e nyoloha kapele ho feta theko ya borotho (Kerafo ya 1). Kgonahalo e hodimo ya hore ho sa tla ba le ho nyoloha ho hoholo ha ditheko tsa dijo dikgweding tse tlang. Bareki ba seng ba ntse ba sokola ho kopanya dintho, ba tlameha ho fasa mabanta thekeng ho feta pele dikgweding tse tlang.
Kerafo 1: Lenane la theko ya borotho ho tloha kgweding ya Pherekgong, selemong sa 2000.
Sources: Grain SA, Safex le Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete la Sagis).
Ka lebaka la ditheko tse hodimo tsa jwale tsa diphahlo tsa temo, batho ba bangata ba nang le tsebo e fokolang ba na le maikutlo a hore tlhahiso ya dijothollo e ka ba tlisetsa poello e hodimo. Borapolasi ba kgonneng ho tswela pela le ho tiisetsa kgwebong ho tloha dilemong tse fetileng, moo ditheko tse tlase le maemo a komello e neng e le dijo tsa letsatsi, ba kgona le ho hema hajwale. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la ho nyoloha ho hodimo ha ditshenyehelo tsa tlhahiso, kgonahalo ya ditheko tse tlase e tla dula e le toro.
Kerafo ya 2 e bontsha hore mahareng a 2004 le 2007, theko ya koro e ne e sa tsamaisane le ditheko tse hodimo tsa disele le monontsha - boemo bo sa tsitsang. Ditheko tse tlase tse bonweng tsa tlhahiso, mmoho le ditshenyehelo tse hodimo tsa tlhahiso di bapetse karolo e kgolo tabeng ya hore bahlahisi ba bangata ba tlohele tlhahiso ya dijothollo. Boemo bona ke bo bobe bakeng sa karolo ya rapolasi ya ntseng a hola - tlhahiso ya dijothollo e lokela ho ba le poello hore borapolasi ba batjha ba tle ba atlehe.
Ho nyoloha ha jwale ha ditheko tsa diphahlo ho file borapolasi tshepo e nyenyane, empa ditshenyehelo tsa tlhahiso tse nyolohang di kgutlisa kgatello hape - borapolasi ba fumana ho le boima ho hlahisa dijothollo ba be ba etse poello.
Kerafo 2: Theko ya index ya yurea, disele le koro ho tloha kgweding ya Pherekgong selemong sa 2000.
Sources: Grain SA, Safex and Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete ya Sagis).
Kerafo 3 e bapisa lenane la theko la disebediswa tse kenywang tlhahisong jwaloka yurea (letswai le fumanwang morotong) le diesel, le ditheko tsa borotho le phofo ya poone. Ho hlakile hore borapolasi ba lokeIa ho sebetsana le ditheko tse hodimo tsa dintho tse kenywang tlhahisong ka tsela e tebileng ho feta ditheko tse hodimo tsa dijo tse tobileng bareki. Tjheine e molemo ya dijothollo e tlameha ho sebetsa ka bokgoni hore e tle e hlahise dihlahiswa tse ngata ka disebediswa tse sa fetohang - ho seng jwalo bareki ba tla lokela ho lefa haholo bakeng sa dijo.
Kerafo 3: Lenane la theko la borotho bo bosweu, phofo ya poone, yurea le disele ho tloha kgweding ya Pherekgong selemong sa 2000.
Sources: Grain SA, Safex le Statistics South Africa (ho tswa leqepheng la webosaete ya Sagis).
Ho nyoloha hona ho matla tjena ha ditheko tsa dijo tsa mehla ke ditlamorao tsa ho hloleha ha Mmuso ho beha maano le meralo ya temo tse nepahetseng, ho kenyeletswa le ho hloleha ha Mmuso ho kenya tshebetsong maano le meralo tse seng di ntse di le teng. Bahlahisi ba le bang ba ke ke ba kgona ho hlahisa dijo tsa theko e tlase bakeng sa setjhaba - Mmuso o lokela ho bapala karolo ya ona.
<fn>PulaImvula. Proactivety.2008-08.st.txt</fn>
Exploding quote: Nonyana e tsohang hoseng e fumana seboko se nonneng.
Hangata ho fumaneha hore borapolasi ba fetwa ke menyetla e metle ya ho boloka ditshenyehelo kapa ho inkela motsotsonyana wa ho fumana poello e hodimo ka hobane feela ba sa etse se tshwanetseng ka nako.
Ka nako tse ding ba fumana tahlehelo e kgolo ka tsela ya tshenyeho ya disebediswa tsa tlhaho, jwaloka kgoholeho ya mobu nakong ya pula tse matla tsa difefo, hobane ba lebala maele a bohlokwa a reng, "thibelo e bohlokwa ho feta phekolo".
Ho ba matjato ho bolela ho etsa meralo ya hao o e etsetsa pele hape o etsa mesebetsi e meng nako e sa le teng. Tlhahisong ya dijothollo, ena ke ntlha e bohlokwa haholo bakeng sa taolo. Almanaka ya temo ya polasi ya hao ke yona e laelang mesebetsi yohle ya kgwebo ya hao. Letsatsi le lokileng bakeng sa ho jala (ketsahalo e kgolo polasing ya hao) e ka ba letsatsi la pele la Phupjane haeba o rerile ho jala koro kapa letsatsi la pele la Pudungwane bakeng sa dijalo tsa hlabula. Mesebetsi ya meralo ya hao le boitokisetso ba hao dikgweding tse tlang pele ho nako ya ho jala, e tshwanela ho itshetleha hodima letsatsi leo. Ho nahanela pele kamehla, ke lebitso la papadi.
Mohato ona o tswellang o bohlokwa haholo bakeng sa ho kgontsha rapolasi hore a nke bohato nako e sa le teng. Temoho e entsweng sehleng sa jwale e ka thusa haholo bakeng sa ho thibela diphoso le ho etsa diqeto tse lokileng sehleng se latelang. Ho etsa mohlala, lehola le lemohilweng nakong ya kgolo ya dijalo le tla thusa ho lekanya mofuta wa sebolaya-lehola se tla sebediswa sehleng se latelang. Haeba o hloleha ho utulla mathata sehleng sa jwale, dintho di ka senyeha ho feta sehleng se latelang.
Hlahloba o be o hlahlobe hape bokgoni ba tlhahiso ba mobu hape o lekanye boholo ba diheketara tseo o tlang ho jala ho tsona. Hlwedisisa mmaraka mme o kgethe dijalo tse tla o tlisetsa poello ho ya ka tlhahiso-leseding e tshepahalang ya mebaraka. Rala ditekanyetso hape o lokise moralo wa tlhahiso, o ngole pampiring ka tsela e nepahetseng kamoo o ka kgonang ka teng.
Tikolohong ya jwale ya mebaraka, ho bohlokwa ho saena konteraka le moetsetsi wa thekiso ya tshepahalang. Konteraka e tla o tshireletsa kgahlanong le ditheko tse yang hodimo le tlase tsa dithoto. Fumana konteraka bakeng sa sejalo se seng le se seng ka theko e lokileng.
O tla lokela ho etsa kopo ya kadimo ya tlhahiso haeba o batla ho jala boholong ba diheketara bo fetang tjhelete eo o nang le yona. Se ke wa dieha ho ikopanya le mokgatlo wa ditjhelete hang feela ha o se o lokisitse moralo wa hao wa tlhahiso. Tsweletso ya tumello ya kadimo ya tlhahiso e nka nako.
Haeba o se boemong ba ho itokisetsa mobu bakeng sa temo le tjalo, saena konteraka le mofani wa tshebeletso eo nako e sa le teng. Etsa bonnete ba hore disebediswa tse lemang tseo o tlang ho di hloka di tla be di le teng ka nako ya ho jala. Pele o saena konteraka nka matsapa a ikgethileng a ho batlisisa boemo ba dihlomo/diphahlo tsa rakonteraka. Hopola, ho emisa ka tlhopiso ya mobu kapa ho jala nakonyana e seng kae feela e tla be e le poelomorao ho rapolasi ka bo yena.
Nako e lokileng ya ho hlokomela disebediswa tsa hao ke qetellong ya sehla sa ho jala. Haeba mosebetsi ona o ka se tsotellwe, rapolasi ha a tsietsing ya ho lokisa metjhine ka theko e hodimo feela empa nako ya bohlokwa e ka senyeha hona hoo a ka bang a jala nako e se e mo siile. Moo disebediswa di bolokwang kamora tlhatsuwo e matla, tshebeletso e lokileng le tlhokomelo kgahlanong le ho rusa, ho tla hlokahala nako e nyenyane ya ho hlophisa metjhine bakeng sa sehla sa ho jala.
Hlahloba dipopeho tsohle tse le teng tse kang mmotomoto le tselametsi. Etsa nako ya ho hlokomela le ho lokisa dipopeho tsena ho phema kotsi mobung o ka hodimo nakong ya sehla se latelang sa pula. Haeba dipopeho tse ntjha di tla hlongwa, mosebetsi ona o lokela ho qala kapelepele. Tekano ya poloko ya mobu e hloka moralo o tsepameng le nako e lekaneng ya ho o kenya tshebetsong.
Nako ya ho ya reka e lokela ho sebediswa hantle. Bapisa ditheko tsa disebediswa hape o kene ditherisanong tsa ditheko tse lokileng hore o tle o boloke ditshenyehelo tsa heketara ka nngwe di le tlase kamoo ho ka kgonehang ka teng. Etsa dihlahlobo tsa hao nakong eo dijalo di holang ka yona hore o tle o tsebe ho kgetha sehlahiswa se fetang tse ding ka popeho, jwaloka mefutafuta ya dijalo e sebeditseng hantle kapa ho fetolwa ha sehlahiswa se sa sebetsang hantle hore se nkelwe sebaka ke se seng. O se ke wa senya nako ho beha kgatello hodima khamphani e rekisang disebediswa tsena ho nnetefatsa hore dihlahiswa tseo o di rekileng di fumaneha ka nako.
Hopola, ho na le ditsebi le dikgeleke tse tla o thusa mesebetsing ena yohle. O se ke wa mathela ho bona ha o se o le tsietsing. Rerela pele, ba bitse KAJENO!
<fn>PulaImvula. ProblemMaize.2009-02.st.txt</fn>
Balemi ba thuthuhang ba tjamelane le mathata afe?
Ke taba ya bohlokwahlokwa indastering ya dijothollo hore mathata a thibelang balemi ho ba bahwebi ba mmakgonthe a hlwauwe le ho rarollwa.
Lenaneo la naha la ntjhafatso le ntseng le kenngwa tshebetsong ke Lefapha la Ditaba tsa Naha le nyahamisitse batho ba bangata - ka kakaretso, tsamaiso e tsamaya butle haholo hoo balemi ba ntseng ba thuthuha ba lahlehelwang ke menyetla nako le nako, mme balemi ba basweu, ba nang le masimo, ba swabileng nko ho feta molomo, ba se ba bile ba sekamela tabeng ya ho rekisetsana le baahisani ba bona ba basweu ka baka la lenama le ho kgikgiritsa ha ditaba tsa naha (mobu) ho fihlella qeto.
Mona Aforika Borwa re na le mekgwa e mmedi ya kgiro - ho tloha moo mobu e leng wa motho ho fihla kgirisetsong ya mobu wa poraevete, ho ya moo mobu e leng wa setjhaba, e leng moo ho seng ditumellano tsa semolao tse tlamang motho (e leng feela "tumello ya ho dula mobung"). Mobu wa poraevete o ka sebediswa e le tshireletso kadimong ya tjhelete, empa ha e le mobu o hirisitsweng ona le wa setjhaba, o ke ke wa sebediswa jwalo. Dibakeng tseo ho phelang setjhaba ho tsona, tlwaelo ke hore lelapa ka leng le be le karolwana ya boholo bo itseng ba tshimo (e fapanang ho ya ka provense), mme ha molemi a batla ho atolosa mosebetsi wa hae, o tshwanetse ho buisana le baahisani ba bang hore a kgone ho abelwa karolwana eo a e batlang. Ha ho na tshireletso ya nako e telele ya kgiro mobung ona wa tlatsetso.
Tokiso ya pH ya mobu le ya hore boemo ba phosphate bo tlase hakaakang, ka bobedi ke mosebetsi o ditshenyehelo di hodimo - tshehetso ya ditjhelete e a hlokahala ka ha balemi ba ntseng ba thuthuha ba hloka mehlodi e ka ba thusang ho lefella mesebetsi ena.
Boholo ba mobu o ntseng o lengwa ke balemi ba ntseng ba thuthuha ke bo hlokang di-'contours' tse lekaneng, tse rerilweng hantle hammoho le ditselana tse nang le jwang (ho thibela kgoholeho ya mobu). Le hoja Lefapha la Temo ruri le ena le lefapha la Tlhokomelo ya Naha, ditekanyetso tsa lona ha di a lekana ho rarolla boholo bo bokana ba tlhoko.
Aforika Borwa ha se mobu ohle o nang le bokgoni bo phahameng, mme ha se mobu ohle o loketseng tlhahiso ya dijothollo. Le ha ho le jwalo, ho fetola mobu o lemehang hore e be wa makgulo (fudisa) ke tshebetso e fupereng ditshenyehelo tse phahameng, mme ke ya nako e telele. Balemi ba ntseng ba thuthuha ba bonahala ba se na mokgwa ona wa ho fetolela, mme ke ka hoo hangata ba dulang ba lema mobu o sa lokelang temo, kapa ba o tlohelang o sa etswe letho - ka bobedi e leng mekgwa e se nang molemo wa letho.
Ho kampela, kapa ho se kampele, ke bothata bo tsebahalang haholo, bo shebaneng le balemi, haholoholo dibakeng tse kopanetsweng tsa setjhaba moo diterata tse kampelang di utswitsweng, mme dikgomo le dinku di itsamaelang feela ka ho rata hara masimo.
Ho teng balemi ba bangata ba nang le mobu (e ka ba mokgweng ofe kapa ofe wa kgirisetso), empa ba hloka disebediswa tse hlokahalang tseo ba ka lemang ka tsona. Sesebediswa se setjha se phahame haholo ka theko, mme ha se fihlellwe ke balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha, mme hape le diinstitushene ke tse nyane ka palo, ha eba le teng di le teng, tse ikemiseditseng ho thusa ka tjhelete thekong ya disebediswa tsa temo tse seng di ile tsa sebediswa.
Ha sesebediswa sa polasing se le teng, hangata ke se seng se kgathetse haholo.
Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo e baka bothata ba ho hlokomela le ho baballa sesebediswa.
Balemi ha se hangata ba nang le tsebo mabapi le ditokiso le tlhokomelo.
Diphapanyetsano tse itseng ntjhafatsong ya mobu di kenyeletsa theko kapa thekiso ya tse seng di ntse di 'iketse', mme hangata sesebediswa se se ntse se le maemong a kgathetseng haholo, e leng hore molemi ya thuthuhang o se a ntse a simolla ka tlhako tsa morao.
Dihlopha di kopanela sesebediswa, mme ha ho ya ikemiseditseng ho se hlokomela.
Lemong tse ngata tse fetileng, tlhahiso e atlehileng ya dijothollo e bile tlasa kgatello e matla haholo. Sehla sena se sa tswa feta e bile se setle ka ho ikgetha ka ha dijothollo di jetswe ka 'theko ya kgale', mme tsa rekiswa ka 'theko e ntjha ya dijothollo', mme boholong ba dibaka pula e bile ka hodima palohare. Ke balemi ba mmalwa feela ba nang le tjhelete e lekaneng ba kgonang ho jala dijothollo ntle le ho etsa kadimo ya letho. Ha maemo a le boima ho etsa phaello, mme ditefello tsa kadimo di phahame, dikotsi tse amanang le tlhahiso ya dijothollo le tsona ke tse phahameng haholo, e leng taba e sa kgothaletseng ho etsa kadimo tse kgolo tsa ditjhelete mabapi le ho kenya peo mobung.
Mekgatlo e mengata e adimanang ka ditjhelete e batla 'bonto' ya sa motho e le hore e fane ka kadimo. Balemi ba sebetsang mobung o hirilweng, kapa wa setjhaba ba sitwa ho nehana ka mobu jwalo ka tiisetso, mme ka baka lena dikopo tsa bona tsa kadimo di qhelelwa ka thoko.
Mekgatlo e mengata e adimanang ka ditjhelete e batla inshorense hore e adimane ka tjhelete. Le ha ho le jwalo, inshorense, moo e amohetsweng teng, e simolla feela ka thuso ha dijothollo tse jetsweng di se di hlahile, e leng hore ka nako eo, boholo ba ditshenyehelo ho se ho kenwe ho bona. Mekgatlo e meng ha e a ikemisetsa ho fana ka kadimo pele inshorense e fana ka tumello, e leng se bakang maemo a tsieleho. Bothata bo bong ke hore inshorense e thusa feela diperesenteng tse 65 tsa ditshenyehelo - ke mang jwale ya tla jara ditshenyehelo tse setseng?
Ka bomadimabe, ho bile teng mehlala e itseng ya balemi ba sa kang ba tshepahala boitlamong ba bona ba ho lefa dikadimo tsa bona, mme sena se kgannetse baadimisani tabeng ya ho ba ihlo le ntjhotjho haholo.
Bolemi ke ntho e thata, mme ha o se na boiphihlelo, ntho di thatafala le ho feta. Ha tshebetso e le nyane, diphoso le tsona di ba nyane. Balemi ba ntseng ba thuthuha hangata ba ntse ba ntshetsa pele bokgoni ba temo, mme ka baka lena ba fetoha kotsi mahlong a ba adimisanang ka ditjhelete.
Balemi ba thuthuhang ke "baithuti", ba hloka tshehetso, kwetliso le tataiso.
Basebetsi ba lefapha hangata ha se batho ba kwetlisitsweng ho fana ka tshehetso ya boleng e hlokahalang. Ba bangata ha ba na boiphihlelo tshebetsong ya temo, mme le hoja ba ena le boikemisetso, ba bile ba ena le mangolo a loketseng a thuto, ba sitwa 'ho beha mohoma tshimong'.
Ho hodisa batho ho ama tjhelete e ngata, ho ja nako e ngata. Mafapha a mmuso a na le palo e kgolo ya basebetsi ba lefuwang ho etsa mosebetsi, empa ba bangata ha ba na bokgoni. Ha lefapha la poraevete le qala le ameha feela, ho ba teng ya tshwanetseng ho lefa ditjhelete - ke mang eo?
Balemi hangata ba iphumana ba le maemong ao ba sa tsebeng hore ba tshwanetse ho latela keletso ya mang - molaodi wa katoloso wa lefapha Kapa moeletsi wa agribusiness ya ntshetsang pele tlhahiso Kapa mokgatlo o tshehetsang wa thepa Kapa motataisi (Ka bomadimabe, ha se ka mehla ba buang ntho e tshwanang!)?
Ho ba molemi ho kenyeletsa ho shebana le dikotsi tse ngata - ha batho ba lokela ho ba balemi, ba etsa diphoso tse ngata. Ho teng tlhokeho e kgolo ya boipaballo e lokelang ho tshireletsa balemi ha ba wela. Mohatong ona, balemi ba bang ba lehlohonolo hore ebe ba thuswa ka ditjhelete ke agribusiness, mme ka hoo, ba kgona ho fumana thuso ya kalaka, ya phosphate le ya inshorense ya tse lengwang, ho ba Maize Trust (masimong a bona a poone). Le ha ho le jwalo, ho teng balemi ba bang ba ntseng ba thuthuha bao bas a lemeng poone, kapa ba sitilweng ho fumana tumello ya kadimo ka agribusiness mabapi le tlhahiso ya bona, mme ha ba na tshehetso ya letho mabapi le kalaka, phosphate le inshorense. E ne e tla ba ntho e ntle hakaakang ha mmuso o ne o ka hlahella ka ho thusa balemi ka mekgwa e hlokahalang ya boipaballo!
<fn>PulaImvula. ProblemsOpot.2009-07.st.txt</fn>
Mabaka a teng a mangata a ho ba teng ha tabatabelo ntshetsopeleng ya bahlahisi ba batsho Afrika Borwa, mohlala, mobu o nonneng o ajwa botjha, ditjeo tsa dijo di phahame ka sekgahla se seholo, mme ho tshwenyeha ho teng mabapi le paballo ya dijo naheng le matjhabeng.
Ho se ho buuwe haholo ka dijo tsa lefatshe tse leng teng, paballo ya lefatshe ya dijo, dijo tse napahetseng le sebaka moo di ka bolokwang teng, empa dijo tsena tsohle di hlahiswa kaekae ke motho ya itseng - ho teng motho ya amehang. Ho bohlokwa hore re behe maikutlo hodima motho ya itseng. Re tlamehile ho ntshetsa pele le ho fa motho matla hore a fetohe mohlahisi/molemi wa mohwebi ya feletseng, ya nang le kabelo pokellong ya dijo tsa setjhaba.
Hobaneng batho ba tjhesehela bahlahisi ba ntseng ba thuthuha?
Lefapha la temo le tshwanetse ho bua ka ntswe le le leng le kopaneng.
Temo ke mohlodi wa dijo le tshwele (fibre) tsa lefatshe, mme e tla dula e le motheho wa ikonomi ya lefatshe.
Temo ke ramosebetsi wa bohlokwa.
Katleho ya mahaeng e fokotsa kgatello mehloding ya ditoropong e seng e ntse e hula ka tlhako tsa morao.
Ha eba 30% e tshwanetse ho ba matsohong a batho ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng, re ka nka hore 30% ya dihlahiswa tsa temo e tla hlahiswa ke batho bana. Ka hoo, 30% ya tsohle tse sebediswang temong e tla rekwa ke bahlahisi bana.
Ke afe mathata a shebaneng le bahlahisi ba thuthuhang?
Lemong tse fetileng, katleho ya dijothollo e bile tlasa kgatello e kgolo. Ditjeo tsa tse sebediswang mobung di dula di phahama, empa ditheko tsa dihlahiswa ha di phahame jwalo. Bahlahisi ke ba mmalwa feela ba nang le tjhelete e lekaneng ho jala dijothollo ntle le ho etsa kadimo ya tjhelete. Ha boima bo le teng ba ho etsa phaello, mme sekgahla sa tswala se phahame, dikotsi tse amehang tlhahisong ya dijothollo le tsona di phahama jwalo. Sena se etsa hore ho se hlokahale ho ikenya mathateng ka ho adima tjhelete ya ho jala dijothollo tsa hao. Bahlahisi ba Afrika Borwa ba tshwanetse ho kena phehisanong mmarakeng wa lefatshe, le hoja ba ntse ba shebane le mathata.
Balemi ba ntseng ba thuthuha hantlentle ke "baithuti", mme ba hloka tshehetso, kwetliso le tataiso.
Basebetsi ba lefapha ha se hangata ba rupeletsweng hantle ho ka fana ka tshehetso e hlokahalang. Bongata ha bo na boiphihlelo temong, mme le hoja ka nako e nngwe ba ikemiseditse, mme ba ena le mangolo a hlokahalang a thuto, ba sitwa ho "ho kenya mohoma mobung".
Mekgatlo e thusang ka tse rekwang di rekiswa e etsa mesebetsi e metle empa ditjeo tse amehang ke tse phahameng haholo.
Balemi ba bangata ba nsteng ba thuthuha ba na le bothata ba kadimo mosebetsing wa bona wa tlhahiso.
Mekgatlo e mengata e adimanang ka tjhelete e hloka bonto thepeng ya motho hore e kgone ho tshireletsa kadimo. Bahlahisi mobung o hirilweng kapa wa setjhaba, ba sitwa ho nehelana ka mobu e le tshireletso, mme ka baka lena, kopo tsa bona tsa ho adingwa di qhelelwa ka thoko.
Inshorense tse ngata tse adimanang ka ditjhelete di hloka inshorense ya tse kenngwang mobung ho tshireletsa kadimo. Le ha ho le jwalo, inshorense ena, le ha e ka amohelwa, e qala ho sebetsa feela ha peo e se e metse mobung, e leng nako eo ka yona boholo ba ditjeo ho se ho kenwe ho tsona. Mekgatlo e meng ha e a ikemisetsa ho adimana ka tjhelete pele inshorense e tjhaellwa monwana, e leng se thatafatsang maemo a ditaba. Qaka e nngwe ke hore inshorense e tshireletsa feela ho fihla ho 65% ya ditjeo - 35% e setseng ke tsietsi ya hao molemi.
Bolemi ke ntho e boima, mme ha o se na boiphihlelo o kotsing e kgolo. Ha sebaka sa katleho se le senyane, ha ho sebaka se setseng sa ho dumella diphoso. Balemi ba thuthuhang, hangata bona ba ntseng ba ntshetsa pele bokgoni ba bona, ba kotsing e kgolwanyane mabapi le ba adimanang ka ditjhelete.
Ho teng balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha, ba nang le masimo (tlasa mokgwa ofe kapa ofe wa kgiro/kgirisetso) empa ba hloka disebediswa tse hlokahalang. Sesebediswa se setjha se phahame haholo ka theko, mme se ke ke sa fihlellwa ke boholo ba balemi, mme hape ha se mekgatlo e mekae, le ha eba e ka ba teng, e ikemiseditseng ho adimana ka tjhelete mabapi le disebediswa tse seng di ile tsa sebetsa (second hand).
Ha sesebediswa sa temo se le teng, hangata se fumanwa se le boemong bo kgathetseng ba ho lokiswa.
Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo e baka boima ba tjhelete ho ka hlokomela sesebediswa.
Balemi hangata ha ba na tsebo ya ho lokisa le ho hlokomela disebediswa tsena.
Diphapanyetsano tse ding tsa ntjhafatso ya mobu di kenyeletsa theko ya "mathata feela", mme sesebediswa hangata se tsofetse, mme se maemong a kgathetseng haholo. Sena se bolela hore molemi ya thuthuhang o se a qala feela ka mathata.
Dihlopha di fuwa sesebediswa ho se sebedisa, empa ha ho le ya mong ya ikemiseditseng ho se hlokomela.
Lenaneo la ntjhafatso ya naha le kentsweng tshebetsong ke Lefapha la Ditaba tsa Naha e bile maswabisa ho ba bangata. Ka kakaretso, mokgwa wa tshebetso o tsamaya butle haholo hoo balemi ba thuthuhang ba lahlehelwang ke monyetla ka mora monyetla, mme balemi ba basweu jwale ba rekisa masimo a bona ho baahisani ka baka la ho se kgone ha lefapha la ditaba tsa naha ho phethahatsa tumellano. Ha ho mehato e nepahetseng mabapi le ho hlwaya majalefa a lokelang kabo ya naha.
Tokiso ya pH ya mobu ka kalaka e ka ba tshebetso e phahameng haholo ka theko ka ha ho teng dibaka tse ding tse ka batlang ho fihlela ditoneng tse 14 tsa kalaka hekthara ka nngwe. Balemi hangata ha ba maemong a ho lefella sena, mme hape ho bonahala eka ha ho molao o tsitsitseng tabeng ena, o dumellang bareki ho sheba ka mmusong mabapi le thuso. Diprovense tse fapaneng di bile le mananeo, empa ha ho eso be le mokgwa o tsitsitseng, o latelwang ke bohle.
Mekgwa e fosahetseng ya bolemi ka dilemo tse ngata bo qetile mehlodi ya phosphate mabatoweng a mangata. Jwalo ka kalakeng, ona ke mokgwa o ditshenyehelo di phahameng, mme hape ho bonahala eka ha ho tshehetso ya letho ka ditjhelete.
Boholo ba mobu o sebetswang ke balemi ba ntseng ba thuthuha ha bo na methakala e rerilweng hantle le e lekaneng, hammoho le ditselana tsa metsi tse jetsweng jwang. Le hoja Lefapha la Temo le ena le karolo ya "Tlhokomelo ya Mobu", ditekanyetso tsa lona ha di a lekana ho shebana le tlhokeho e kgolo e leng teng. Ho senyeha ha mobu o bakwang ke kgoholeho ya moya le metsi ke ho ke keng ha etsollwa.
Se fumanehisang batho ke sefe?
Balemi ba tshwanetse ho fumana mobu le metjhine e le hore ba kgone ho ba bahwebi. Diprovenseng tse ding ho na le tlhoko e kgolo ya infrastructure, mohlala, ditsela, disiu tsa dijothollo, moo ho omiswang dijothollo, metjhine e kotulang, jj.
Balemi ba hloka kwetliso, tshehetso le tshebeletso e matla, e phethahetseng, ya katoloso.
Batho ba tshwanetse ho matlafatswa hore ba kgone ho iketsetsa dintho. Ba tshwanetse ho ithuta "ho itshwarela tlhapi" ka bobona.
Ho hloleha ha basebetsi ba mmuso ho etsa seo ba se lefelwang ho futsanehisa batho (mohlala, bosiyo ba tshebeletso ya Lefapha la Naha le tshebeletso e fokolang ya Lefapha la Temo).
Mafutsana a ntshwa kotsi ha bonolo, mme a a qhekanyetswa. Ho bohlokwa hore bohle ba amehang ntshetsopeleng ya molemi ba sebetse ka seriti le ka botshepehi.
Melawana e nepahetseng le maano a nepahetseng a kgwebo ho tshireletsa indasteri ya lehae ya temo.
Thuso ditjeong tsa kalaka baleming ba thuthuhang.
Thuso ditjeong tsa phosphate.
Thuso ditjeong tse phahamang tsa dijothollo ho thusa kadimong ya tjhelete.
Thuso ditjeong tsa inshorense e akaretsang.
Ho bokella tjhelete ka agribusiness le Landbank.
Tjhelete e be teng ya ho kwetlisa hape diofisiri tsa katoloso.
Karolo ya tjhelete ya ntshetsopele ka mekgatlo ya tse rekwang di rekiswa.
Ho nahanisa ka tjhelete e ngata mabapi le sesebediswa sa temo.
Ntshetsa pele, kwetlisa le ho fana ka bokgoni ho balemi.
Kwetlisa le ho ntshetsa pele diofisiri tsa katoloso.
Ho fana ka tshehetso ya sethekgenike ho balemi ba thuthuhang.
Phepelo ka tsohle tse sebediswang mobung (tsa boleng) le theko tseo ho hlodisanwang ka tsona.
Ho fana ka mmaraka wa dihlahiswa.
Ho fana ka tshehetso ya sethekgenike le hamorao ha ho hlokahala.
<fn>PulaImvula. Producer.2009-12.st.txt</fn>
Mohlodi tlhodisanong ya Selemo ya Grain ya Ntshetsopele ya Molemi wa Selemo o ile a phatlalatswa phirimaneng ya ditletle e neng e tshwaretswe The Theatre on the Track, tulong ya Kyalami, ka la 9 Mphalane 2009.
Ba ileng ba iketela tlhodisano ya 2009 ya Molemi ya Tswelang pele wa Selemo, ba ile ba hlwauwa.
Shimi Makoka wa Vanderbijlpark, provenseng ya Gauteng.
Molemi ya Tswelang Pele wa selemo sena ke Samuel Moloi wa Fouriesburg, ho la North West. Re rata ho lebohela Samuel hammoho le ba bang ba hlwailweng mabapi le katleho e kana e fihlelletsweng.
<fn>PulaImvula. Producer.2010-08-06.st.txt</fn>
Ba hlwailweng hammoho le ba leng mokgahlelong wa ho qetela mabapi le Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa selemo sa 2010 ba se ba phatlaladitswe, mme mohlodi o tla phatlalatswa moketeng wa ditletle o tla tshwarwa ke Grain SA ka la 8 Mphalane 2010.
David Maleleka - Kestell, Provense ya Foreisetata.
Thabo Macholo - Kestell, Provense ya Foreisetata.
Daniel Mocwiri - Mareetsane, Provense ya North West.
Frans Gaoganediwe - Ventersdorp, Provense ya North West.
Klerk Melken - Mofufutso, Provense ya North West.
William Matasane - Senekal, Provense ya Foreisetata.
David Maleleka o hlahetse polasing, seterekeng sa Kroonstad ka 1954. A holela polasing, a kena sekolo sa selehaeng ho fihlela sehlopheng sa 3 (kereiting ya 5). Ho tloha ha a le lemo tse 14 a sebetsa polasing ya Monghadi Jonker, e leng moo a simollotseng ho ba le lerato la temo. David o nyalane le Mavis, mosadi wa mohlolo - ya kgannang terekere masimong!
Ka mora dilemo a fallela Qwaqwa moo a nnileng a dula teng ha a ntse a etsa mosebetsi wa konteraka merafong e tikolohong ya Goldfields. Ka 1991 David a lemoha hore mmuso o phatlaladitse taba ya batho ba ka ratang ho ithekela mapolasi seterekeng sa Kestell. Ka 1991 a hira polasi eo a ntseng a e sebetsa le kajeno. Hamorao a kgona ho ithekela polasi ka tjhelete eo a e adimilweng ke Land Bank. Polasi ya David ke dihekthara tse 272, mme tse 252 ke mobu o lengwang.
Ka dilemo tse ngata David o nnile a hira polasi ka ha a ne a sitwa ho ba le tjhelete e lekaneng ya ho ithekela polasi. A boela a tswela pele ka temo ka selemo sa 2008. Lemong sa 2009 a kgona ho hlahisa dijothollo tse ntle tsa koro dihekthareng tse 106, mme o se a jetse dihekthara tse 88 tsa poone le tse 28 tsa dinawa tse ommeng. Dinawa tse ommeng di fana ka mosebetsi basading ba bangata ba tswang Qwaqwa. David o bolela hore o atolosa tshebetso ya polasi ya hae jwalo ka "trapsix" (leobu).
Thabo o hlahile ka 1982, a simolla ka sekolo sa Laerskool motseng wa Mafahlaneng. Ka 1989 ntatae a reka polasi eo ba ntseng ba le ho yona le kajeno. Lerato la hae la temo le simollotse a sa le monyane haholo. A phethela dithuto tsa hae tsa materike sekolong se phahameng sa Paul Erasmus ka 2003, mme ka mora moo a etsa qeto ya ho sebetsa le ntatae polasing. Sekolong ya eba motho ya nkang karolo dipapading, mme a bapalla provense ya hae papading ya rugby ho ba dilemong tsa 17, 19 le 21 tsa dihlopha tsa Afrika Borwa.
Thabo o rata temo, o rata ho atleha temong ya polasi ya hae. Ka 2009 mmoho le ntatae, ba jala dihekthare tse 25 tsa koro, tse 99 tsa poone le tse 33 tsa dinawa tse ommeng. Thabo o hola e le molemi, mme o batla ho ithuta tse ngata. O se a ile a kenela dithuto tse ngata, ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Maluti, mme o mamela ka tsebe e lethwethwe balemi ba hodileng mabapi le boiphihlelo ba bona le tsebo e batsi ya bona.
Thabo ke motho ya hlokometseng tsamaiso ya ditjhelete le ho hlophisa dintho ka manane (planning), mme o thabetse monyetla wa ho jala dinawa tse ommeng tse ngata ka ha di na le kuno e ntle ho feta dijothollo. Jwalo ka balemi ba bang bohle, o tshepa hore theko ya dijothollo e tla eketseha e le hore phaello e kgone ho etswa, hammoho le matsete a mang a matjha temong.
Thabo o rata hore tsatsi le leng e be molemi e moholo wa mohwebi; o rata ho sebetsa le balemi ba bahwebi e le hore a be le boiphihlelo bo bongata.
Kokamo Daniel Mocwiri o hlahile ka 949 motseng wa Siberia Village ho la North West (mabatoweng a Mareetsane). Ke e monyenyane ka ho fetisisa lapeng labo, mme ke yena feela moshemane hara bana ba robong. A simolla sekolo Siberia, a ya Mareetsane, a phetha Kereiti 12 Sekolong sa Secondary sa Itlotleng. A ntshetsa pele dithuto tsa hae Kholetjheng ya Kwetliso ya Batswana. O boetse a ithuta ka ngollano le ba Damelin le Yunibesithi ya Vista ho fumana Lengolo (Diploma) la ho ruta. A fumana kgau ya dekeri Yunibesithing ya Potchefstroom, mme a simolla jwalo ka mosuwe Sekolong sa Poraemari sa Monnapula ka 1975 moo a ileng a tswela pele ka ho ruta ho fihlela ka 2008. O nyetse Evelyn; bana ba tsheletse; bashemane ba babedi le banana ba bane.
Jwalo ka mora a le mong, ntatae a mo ruta maqheka a mangata a ho iketsetsa bophelo. A simolla ka ho ithuta mokgwa wa ho lema ka dipholo e sa le lekejakejane la mohlankana le kenang sekolo, mme sena e bile tshimoloho ya lerato la bophelo bohle temong. Ka 1975 a aha lebenkele, yena le ntatae, motseng, mme ka 1977 a reka terekere ya hae ya pele. Ka 1988 ntatae a ikela boyabatho, mme ka ha e ne e le mosuwe, a hirisetsa ba projeke ya temo ba Mareetsane polasi ya hae ho fihlela ka 1993. Ka 1994 a simolla a le mong ka temo, a sebedisa terekere ya hae dihekthareng tse 75 tsa mobu.
Daniel a tswela pele ka bosuwe, mme hamorao ha a se a atolotse tshebetso ya hae ya temo, a kopa e mong wa ba leloko ho mo thusa polasing. Sekolo seo a neng a ruta ho sona se ne se le hona motseng, mme ka hoo a kgona ho sebetsa tsa polasi ha sekolo se etswa le matsatsing a phomolo ya sekolo. Kajeno, Daniel o tshwere polasi ya dihekthara tse 200 masimong a setjhaba. Lemong sena, o jetse hekthara tse 100 tsa poone le tse 100 tsa soneblomo.
Ka 2008 Daniel a hloma sehlopha sa boithuto sa Siberia, mme a kgethwa jwalo ka Modulasetulo. A ba e mong wa balemi ba tswetseng pele Lenaneong la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi lemong sa 2009. Daniel o utlwisisa molemo wa marangrang a tshehetso, mme o bua hantle ka tshehetso eo a e fumaneng ho Mong. James van der Linde wa Technichem ya mo thusang ka dikhemikhale le peo, hammoho le Mong. James Moeng ya mo thusang ka manyolo. Ka dilemo tse ngata, Daniel o tsheheditse tlhahiso ya hae ya dijothollo ka thuso ya Land Bank.
Frans Gaoganediwe o hlahetse Sterkstroom ka 1957. Ke e moholo hara bana ba leshome. Frans o kene Sekolo sa Poraemari sa Mesweng moo a fetileng kereiti ya 7. Mofumahadi wa hae, Phina, o hlahetse seterekeng sa Sterkstroom, mme a phetha Kereiti ya 7 Sekolong sa Poraemari sa Rabana. Hona jwale ke mosadi wa lelapa ya shebaneng le bohwebi ka dikgoho.
Ka mora sekolo, lemong tsa 1985 -1989, a sebeletsa Senwes polasing e seterekeng sa Sterkstroom. Nakong ena, a lema ditshimo tsa diteko. Hona e bile mokgwa o motle wa boiphihlelo ba ho ithuta temong ya poone le mekgweng e metle ya temo ya mobu. Ho tloha ka 1990 - 1993 a sebeletsa Senwes Sterkstroom. Frans a fetisetswa lefapheng la dikgomo le dinku moo a ileng a etsa mosebetsi wa A.I. + ho peita diphoofolo le ho di nwesa meriana. Ke mona moo a bileng le lerato la dikgomo tsa Bonsmaras. Ka 2000 a fetisetswa lefapheng la lebese hoba Bonsmaras di rekiswe, e leng moo a ileng a tswela pele ka A.I. mohlapeng wa Friesland, mme o boetse o hlokometse mananeo a ho fepa le ho peita. Hoba Senwes e rekise polasi, a tswela pele ho sebeletsa Senwes ka temo ya tshimo tsa diteko. Ka 2002, Frans a tloswa Sterkstroom, a iswa Ofising e Kgolo ya Senwes Klerksdorp moo e bileng mokganni.
Ka 2002 a simolla ka polasi. Ka 2001 a etsa kopo ya kadimo ya tjhelete ho Land Bank, mme ya ananelwa ka 2002. A reka tsa polasi le diterekere tse pedi, mehoma e mmedi, disebediswa tse ding tse mmalwa hammoho le matlo a mabedi a dikgoho (a nkang dikgoho tse 56,000). Matlo ana a sebetsa ka mokgwa o phethahetseng, a etsa disaekele tse supileng le halofo ka selemo. Frans o na le konteraka e tsitsitseng (e sa fetoheng) le ba Rainbow Chickens.
Lemong tse robedi tse fetileng, o nnile a sebetsana le dikgomo tsa hae hoo jwale di seng di le 38 ka palo, dinku tsona di eketsehile ho fihla ho 63, o se a bile a rekile terekere e nngwe, Toyota Hilux bakkie, motjhine o silang wa hamore (lelwala), mme o ntlafaditse ntlo ya dikgoho ka ho kenya diceiling, dinipole tsa metsi le dipeipi tse fepang dikgoho. O boetse a ntlafatsa tereta/lebota le tshireletsang. Hajwale ho ntse ho ahwa sebaka moo basebetsi ba itlhatswetsang ho sona (dishawara).
Frans o batla ho eketsa kgwebo ya hae le ho reka polasi e nngwe. O batla ho ba sehwai se keneng ka setotswana kgwebong ya polasi. Sena se kgonahala feela ka ho sebetsa ka thata, ho kenela dithuto tsa boikwetliso le ho kwetlisa basebetsi ba hae. Frans o ikutlwa hore mmuso o lokela ho sheba diprojeke kaofela tsa bona, ho kgothaletsa balemi ho hola le ho tlosa batho diprojekeng tse nyopileng. Frans o bolela hore o tsheheditswe hantle ke balemi ba bahwebi ba Ventersdorp.
Klerk Melken o hlahetse motseng wa Mofufutso ho la North West ka 1970. Ke ngwana wa bobedi ho bana ba leshome ba John le Dora Melken ba ntseng ba tshwere tshebetso ya polasi lebatoweng le le leng. O simollotse ka sekolo Mofufutso, a kena Khunwana Middle School, mme a qeta Kereiti ya 11 Atamelang High School. Ka 1992 a sebetsa polasing ho fihlela ka 2000. Klerk a nyalana le Joyce ka 2002. Ba na le bana ba bararo; ngwana le bashemane ba babedi.
Klerk o simollotse ka mosebetsi wa polasi a sa le monyane haholo, ka dihekthara tse 50 ha a kgona ho fumana kadimo ya tjhelete ho ba NWK mabapi le tlhahiso ya hae ya pele ka 2001. Tshimolohong ya Hlakola ka 2003 a reka namane. Hajwale o na le kgomo tse 16. Ka 2008 a reka nku le podi. Hajwale o na le nku tse 20 le podi tse 10. O boetse o na le dikgoho tse 80.
Klerk a kena sehlopheng sa boithuto sa Mofufutso ka 2000 ha a ntse a sebetsa polasing. Ka Pudungwana 2008 a kgethelwa bodulasetulo ba sehlopha sena. O se a bile teng dithutong tse ngata tsa boikwetliso tsa Grain SA tse kenyelletsang: Selelekela Thutong ya Poone, Selelekela Thutong ya Soneblomo, Thuto ya Borakonteraka, Thuto ya tsa Tlhokomelo, Thuto ya Motheho Tokisong ya Enjene, Selelekela Thutong ya Mabele, Thuto ya Boemo bo Phahameng ya Poone ho isa ho Balemi ba Boemo bo Phahameng, Thuto ya Tsamaiso Kgwebong ya Temo (Agri-business), le Thuto ya Tsamaiso ya Moralo wa Polasi.
Hajwale ke sehwai mobung wa hekthara tse 150 o hirilweng wa setjhaba wa botebo ba 80 cm. O jetse hekthara tse 60 tsa soneblomo, tse 42 tsa poone e tshehla le tse 48 tsa poone e tshweu. Ka ha temo ya hae e mobung o ommeng, Klerk o hlokometse bohlokwa ba paballo ya mongobo wa mobu. O na le toro ya hore tsatsi le leng a be le polasi ya hae (a be le thaetlele deed). O re a rata ho atolosa bohwebi ba hae ho fihlela a ba le hekthara tse 1 000 lebatoweng la mobu o tebileng le pula e ngata! Klerk o tshehetswa ke Mong. Du Toit wa Technichem, mme o ikemiseditse ho iphumana a potapotilwe ke batho ba mo tshehetsang, ba nang le tsebo.
Klerk o re o rata temo hobane ke monna ya nang le tjheseho, ya ratang ho tswela pele le ho etsa dintho ka mokgwa o nepahetseng.
William o hlahetse seterekeng sa Winburg moo a keneng sekolo sa polasing. A simolla ho sebetsa Allemanskraal (e tsejwang ka la Aventura Resort Aldam). A qala ho sebetsa e le waiter, hamorao e le chef, mme qetellong e le manejara wa restaurant ho fihlela ka 2004. Ha a ntse a sebetsa Aldam a kena temong le metswalle e meng e meraro. Ka 2004 a reka polasi, Verblyden, moo a dulang teng le mosadi le bana. Ba sebetsa polasi ba le bang ntle le batho ba bang. Mona ba atlehile ho hlahisa soneblomo le poone. (William o re o ile a itjhesa menwana ka koro dilemo tse pedi tse fetileng, mme ha a sa rata ho pheta hape - haholoholo ho ya ka maemo a ditheko tsa jwale).
William o re o rata ho fa bana ba hae monyetla oo yena a sa kang a ba le ona. Moradi wa hae e moholo o lemong sa boraro sa Electrical Engineering, e monyenyane yena o lemong sa bobedi Secretarial College, le "Johannes, die boer" ya leng sekolong Senekal, kereiting ya 4.
William ke sehwai se atlehileng seo hajwale se sebetsang dihekthareng tse 400 tsa mobu, mme o hirile mobu o mong o lengwang lebatoweng la Ventersburg (ho balemi ba batsho ba sa etseng letho ka mobu wa bona) le mobu wa ho fudisa ho ba Winburg Municipality. William o batla ho reka mobu o mong seterekeng sa Senekal empa o tletleba ka ho re Mmuso o rata ho thusa feela batho "ba kwenyang tjhelete, eseng ba etsang dintho ka nepo".
William o sebedisa mehlodi e mmedi ya tjhelete mabapi le dijothollo tsa hae - tjhelete ya hae hammoho le e adimilweng ho ba VKB le Land Bank. Lemong sena, soneblomo ya hae e kgonne ho lefella ditjeo tsohle tsa kadimo ya tlhahiso, mme phaello pooneng ya hae e tla ba e yang pokothong ya hae. O jetse hekthara tse 110 tsa poone le tse 145 tsa soneblomo Senekal, le tse 60 tsa poone le tse 75 tsa soneblomo Ventersburg. O na le mohlape wa kgonmo tsa nama tse 90 hammoho le balatedi, mme o motlotlo ka sekgahla sa 91% sa manamane - ha ho na batho ba sa etseng letho polasing ya hae. O boetse o na le mohlape wa nku tse 30, empa o re o sitwa ho eketsa dinku tsa hae ka ha polasi ya hae e haufu haholo le lekeishene la Matwabeng la Senekal.
William o tshwenyehile haholo ke ditheko tsa dijothollo. Mekgwa e utlwahalang ya ditjhelete e hlokolosi kgwebong ya hae, mme o tsetela moo a fumanang kuno teng. O re o sitwa ho dumellana le taba ya ho reka disebediswa tse ntjha tsa temo tse dulang nako ya selemo di sa sebetse. Tlhokomelo ho tse nyane tsa bohlokwa le metjhineng ke taba ya bohlokwa ho yena - ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, e hlokometswe hantle.
William ke motho ya ikemetseng ka ho nahana, empa o ananela tshehetso eo a e fumanang ho Johan Kriel wa Grain SA hammoho le tshehetso ya nako tsohle ya balemi ba dihwai ba selehae, haholoholo Mong. Philip Basso eo e leng thuso e kgolo ho yena.
<fn>PulaImvula. ProducerMaize.2009-03.st.txt</fn>
Na molemi o ilo boela a behwa molato?
Paleng e nngwe le e nngwe, ho tshwanetse ho be teng motho ya lokileng le ya sa lokang, mme re ka re le letotong la tlhahiso ya dijo, motho enwa ya sa lokang ka mehla ke molemi. O behwa molato ha dijo di le siyo, ha dijo di phahame ka theko, kapa boleng ba dijo bo fokola.
Ha re sheba mosebetsi ohle o amehang hore dijo di be teng tafoleng ya moreki, palo ya ba kenyeletswang hammoho le mosebetsi e telele haholo.
Ena ke karolo ya tshebetso hore ho hlahiswe dimela tse nepahetseng - poone, koro, mabele, soneblomo, dinawa, jwalojwalo.
Ho kgona ho bolokwa (setorong) le ho tsamaiswa ka paballeho.
Ho tshwanetse ho etswa manyolo a ka sebediswang saekeleng ya tlhahiso le ho fana ka menontsha e hlokwang ke dimela. Dibolayakokwanyana le dibolayalehola di tshwanetse ho ba teng ho tshireletsa dijothollo kgahlanong le mahola, dikokwanyana le malwetse.
Di hasanya bahwebi ba temo (agribusiness).
Ho reka dijothollo.
O isa thepa ya dijothollo disiung tsa selehae.
O rekisa dijothollo ho beng ba malwala (kapa mmarakeng wa tse romellwang ka ntle).
Ba kenya sehlahiswa mekotleng hore se fihle ho barekisi ba thepa e ngata (wholesalers).
Ho rekisetsa boramabenkele dihlahiswa ka dipakete.
Ho rekisetsa bareki.
Tlhaloso ena e kgutshwane ha e a kenyeletsa mehato yohle e fapaneng ka ha dintlha di fapana ho ya ka sehlahiswa. Mohlala, hoba koro e silwe, e tshwanetse ho bakwa pele e rekisetswa moreki; ha eba e le kgarese e tla sebediswa ho bedisa jwala, e tshwanetse ho inelwa metsing pele, ebe e a putiswa.
Tshebetsong ena yohle, bathop hammoho le ditshebetso ba a kenyeletswa, mme sena ke ketane ya boleng ba temo. E mong le e mong ketaneng ena o tshwanetse ho etsa phaello e le hore a kgone ho dula kgwebong.
Jwale potso ke ena - na molemi ke yena feela ya jarang molato wa ho nyoloha ha ditheko tsa dijo?
Lekotokoti la biri, ka tlasa 3% ke theko ya kgarese.
Kgwebo e fupere dikotsi - Kgwebo yohle e na le karolo e itseng ya dikotsi.
Balemi ban ka theko e le jwalo - molemi o sitwa ho etsa qeto hore o lakatsa ho fumana bokae mabapi le tone ya hae ya poone ka ha dijothollo kaofela di rekiswa ka fantisi, mme ka hoo, theko eo a e fumanang ke yona theko. Maemong a mangata, molemi o qobelleha ho amohela theko e tlase ho eo dijothollo di mo jeleng yona. Kgele!
Jwalo ka mohlala, ha re sheba morao sehleng se fetileng sa koro Foreisetata, e bile selemo se sebe haholo, le leqeme la pula le bile teng. Balemi ba bangata bakeng tse ngata ba sitilwe ho kotula tone e le nngwe feela ya koro hekthara ka nngwe. Ditjeho tsa tlhahiso ya koro di mane ho R4 200 hekthara ka nngwe, mme theko eo molemi a e fumaneng mabapi le koro ya hae e bile mane ho R3 000 tone ka nngwe. Sena se bolela hore ha eba molemi a kotutse tone e le nngwe hekthareng ka nngwe, o bile le tahlehelo ya R1 200 hekthara ka nngwe.
Ha o le mophehi wa bohobe (baker), o reka folouru, mme o etsa qeto ka theko eo o tla rekisa dirolo tsa bohobe ka yona. Ha eba moreki a sa ikemisetsa ho lefa theko eo, o emisa ho reka folouru le ho pheha bohobe ho fihlela theko e boetse e nyolohile. Hang ha molemi a entse qeto ya ho jala sejothollo, o sitwa ho emisa ka mosebetsi le ho emela mohlang theko e ntlafetseng - o se a senyehetswe ke tjhelete, mme o tlamehile ho kotula sejothollo le ho se rekisa.
Balemi ba rona ke batho ba batle ruri - ba sebetsa ka thata, ba ipeha kotsing hangata hobane ba hlahisa dijo le ho fa batho mesebetsi Afrika Borwa. Hopola hore re kgona ho romella dijo tse tswang mafatsheng a mang ha mafatshe ao a ena le dijo tse ngata ho feta tseo mafatshe ao a di hlokang, mme jwale e bile ke nako eo naha ya rona e nang le mofuta wa tjhelete esele (foreign currency) ho lefella dijo tse kenang kwano. Ha eba maemo a se matle dinaheng tse romellang thepa ka kwano, dinaha tseo di tla ipolokela dijo tsa tsona le ho disebedisa mabakeng a tsona, mme rona re tla sitwa ho reka dijo tsa dinaha tseo. Ha sekgahla sa phapanyetsano (exchange rates) se eba kgahlanong le boleng ba ranta ya rona, naha ya rona e ke ke ya ba le tjhelete ya ho lefella dijothollo tse romelletsweng di etswa naheng tseo. Qetello ke hore batho ba rona ba tla bolawa ke tlala, jwalo ka ha ho etsahala dinaheng tse ngata tsa Afrika. Pele re ba beha molato ka ditheko tse phahameng tsa dijo, a re ke re shebeng taba ena hantle le ho utlwisisa hore hobaneng ditheko di phahama. Ha re sa tshehetse balemi ba rona le ho ba thusa hore ba tswele pele ka tlhahiso ka bohwebi bo nang le phaello, setjhaba sa rona se tla bolawa ke tlala ya bojadikate.
<fn>PulaImvula. Producers.2010-04-01.st.txt</fn>
Photo 1: Jabulani Zitha (Nigel) le Samuel Moloi (Fouriesburg).
Photo 2: Amos Njoro (mogokaganyi wa porofense; Gauteng) le Karabo Peele (Modulasetilo: Mielie Trust).
Photo 3: Papi Nkosi (Nelspruit); Komsheni Mhlongo (Malelane) le Petros Masina (Badplaas).
Photo 4: Samuel Moloi (Fouriesburg); Frans Matsholo (Hoopstad); Francis Nhlapo (Fouriesburg); Isaac Kheswa (Petrussteyn) le Joseph Mbuli (Fouriesburg).
<fn>PulaImvula. ProductionWheat.2009-03.st.txt</fn>
Foreisetata Botjhabela e wela lebatoweng la pula tsa hlabula, mme boholo ba koro e hlahiswang lebatoweng lena ke koro ya sebaka sa komello, koro ya mariha. Ena e ka tadimeha e le taba e makatsang - hobaneng ha motho a tla lema sejothollo sa mariha lebatoweng la pula tsa hlabula, mme hape, sejothollo se fumana mongobo wa sona hokae?
Mona he, ke moo katleho tlhahisong ya koro e bonahalang teng Foreisetata Botjhabela - paballo ya mongobo wa mobu, kapa seo ka nako e nngwe se bitswang 'kotulo ya metsi'.
Mobu o na le bokgoni ba ho boloka metsi dikgeong tse nyane pakeng tsa dikarolwana tsa mobu. Metsi a tshwanetseng ho bolokwa mobung ke metsi a pula e nang haholo nakong ya hwetla le ya selemo. Ha dijothollo tsa nako e fetileng di se di kotutswe, ho a hlokahala ho nolofatsa mobu hore pula e nang e kgone ho thopothela le ho bolokelwa dijothollo tse hlahlamang. Ka bomadimabe, ka ho lokolla le ho phethola mobu, dipeo tsa mahola le dijothollo tse senyehileng tsa kotulo ya nako e fetileng di kopana le mobu o leswe, ebe moo di melang.
Mahola afe kapa afe a melang masimong a lokiseditsweng ho lengwa koro, ke dira tsa dijothollo tse hlahlamang ka ha a nka mongobo o tshwanetseng ho bolokelwa dijothollo tse hlahlamang, mme a boetse a sebedisa menontsha e tshwanetseng ho sebediswa ke dijothollo tse hlahlamang. Ka baka lena, ke taba ya bohlokwa hore ho se dumellwe eng kapa eng ho mela masimong ho fihlela koro e hlahlamang e jalwa (hangata pakeng tsa Mmesa le Phupu), le teng ho laolwa ke sebaka (lebatowa), ho fapafapana le bolelele ba nako e fetileng eo ho sa kang ha etswa letho masimong).
Mohlahisi a ka sebedisa mekgwa ya sejwalejwale ho sebetsana le mobu le ho laola mahola. Ena ha esale e le tlwaelo ya dilemo tse fetileng tse 50 - masimo a phetholwa ka papetlanatjhitja (disk) ka mora hoba dijothollo tse fetileng di kotulwe, mme ebe moo ho latelang disebediswa tsa thaene hore mobu o dule o se na mahola nakong yohle ya hlabula ha masimo a tlohetswe a le jwalo. Mokgwa ona o ka nna wa bitswa 'ho lemella lerole' ka ha ka nako tsohle ho na le lekgapetla le lokolohileng, le hlwekileng, la mobu o ommeng ka hodimo, le thibelang ho lahleha ho hongata ha mongobo ka tshebetso ya capillary (ke motsamao wa mongobo wa mobu ho ya hodimo bokahodimong moo o moyafalang, o bang siyo teng).
Ke diesel e nyane e sebediswang nakong eo ho fatswang ka yona ho feta tshebetsong ya ho lema.
Ho batla ho potlaka ho fafatsa ho ena le o sebedisa sesebediswa sa thaene.
Ka ha mobu ha o kgathatswe, dipeo tse ntjha tsa mahola ha di tliswe karolong tse ka hodimo tsa mobu moo di ka nnang tsa mela - e leng se bolelag hore taolo ya mahola e nka nako e teletsana (ho fafatswa ho le hong ho matla ho ka lekana le tshebetso tse pedi tsa metjhine).
Hre mongobo o baballwe mobung, o tshwanetse ho kgona ho monyela mobung. Sena se kgonahala feela ha eba ho se makgapetla a teteaneng.
Ha eba masimo a sebedisetswa ho fudisa diphoofolo, haholoholo nakong tsa dipula, ditlhako tsa tsona di teteanya mobu, mme sena se thibela ho monyela ha mesi.
Ho a hlokahala ho etsa teko mobung ho bona ha eba makgapetla a teteaneng a teng le ho a roba ka metjhine. Ha makgapetla ana ho sa sebetsanwe le ona ka matla, a tla sitisa tswelopele ya metso ya dijothollo, mme sena se tla ba le kgahlamelo e mpe tswelopeleng ya metso le kunong.
Mabaka a mangata a etsang hore balemi ba bangata ba qobe taba ya temo ya koro ho ya ho ile Botjhabela ba Foreisetata.
Pele o jala koro, ho bohlokwa ho nnetefatsa hore mongobo mobung o lekane ho kganna dijothollo tse hlahlamang nakong tsa dipula tsa selemo. Ka mora kotulo ya koro, mobu ka nako tse ding o omme hoo nakong ya sehla se hlahlamang sa ho jala ho sa ntseng ho le kotsi ho ka jala. Balemi ba bangata ha ba jale dijothollo tse hlahlamang tsa koro , empa ba tlohella mobu o le jwalo nako ya kgwedi tse 4 ho isa ho tse 6, ebe hona ba jalang dijothollo tsa hlabula masimong (poone le soneblomo ke dijothollo tse tlwaelehileng mabapi le phapanyetso ya dijothollo).
Ho ka ba le popeho ya malwetse mobung ha eba ho ka jalwa feela koro ho ya ho ile.
Mahola a mang a kang jwang a ka nna a iphetola qaka. Outshe e hlaha ke e nngwe ya mathata a sehlooho a amanang le temo e le nngwe ya koro. Outshe ena e boetse ke sejothollo sa mariha se ka sebediswang phapanyetsong le dijothollo tsa lehlabula (haholoholo soneblomo), hore mahola a kang jwang a laolehe hantle.
<fn>PulaImvula. Profile(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Xolile Dasheka o hlahetse polasing, seterekeng sa Petrusburg. Ntatae e bile mosebeletsi polasing, mmae e le mosebeletsi wa lapeng. Xolile o na le degree ho tsa Tsamaiso le Boetapele hammoho le Diploma ho tsa Tsamaiso Dikamanong tsa Mosebetsi. O ile a reka polasi, Lemoenkloof, seterekeng sa Jagersfontein ka 2006 ka kadimo ya tjhelete ho ba Land Bank. Polasi ya hae ke ya boholo ba dihekthara tse 1 134, mme hekthara tse 145 tsa yona ke tse lengwang, tse 989 ke makgulo a ho fudisa. Xolile ke sehwai sa poone, nama ya kgomo, dikolobe, dikgoho le meroho.
O tshehetsa jwang dijothollo ka ditjhelete?
Dihleng tse pedi tse fetileng, ha ke a ka ka rekisa dijothollo tseo ke di hlahisitseng. Ke di sebedisitse ho tlatsetsa mehlapeng ya ka. Ke sebedisitse e nngwe ya phaello ya ka tlhahisong ya selemo se hlahlamang. Ka baka la ditjeo tse phahamang , ke tla leka ho etsa kadimo ho ba Land Bank.
O bona jwang taba ya tjhelete temong?
Molemi o lokela ho ba ntho tsohle, mohlala, o lokela ho ba setsebi ditjheleteng, setsebi sa ikonomi, morekisi, le tse ding. Phaello tlhahisong ya dijothollo e nyane haholo. Re hloka setjhaba hore se be le botshepehi moleming wa Afrika Borwa, le ho reka dihlahiswa tsa selehae. Ditjeo tsa tse sebediswang mobung, tse kang diesel le manyolo, di a re bolaya ka theko. Temo ha se mosebetsi o ka nkuwang ke motho e motjha e motsho; batjha bana ha ba bone bokamoso mosebetsing ona. Haeba ditjeo le tse kenang di etswa ka ntle di sa laolwe, ke moo ho kenang tlhodisano ya leeme kgahlanong le thepa e tshehetswang ka ditjhelete ke mmuso e tla putlamisa molemi wa Afrika Borwa.
Tse kenang di etswa ka ntle o di fumana hokae?
Ke reka ho baemedi ba tsa thekiso ba tswang dikhamphaneng tsa phepelo, hoba ke bapise dithekiso tsa bona hammoho le ditshebeletso tsa thekiso tseo ba fanang ka tsona.
Thuso ya Mmuso ke efe temong, mme mmuso o e phethahatsa jwang?
Mmuso o tshwanetse ho hlokomela balemi. Balemi ba fana ka mesebetsi le botsitso dibakeng tsa mahae/mapolasing. Sheba masimo kapa mobu oo mmuso o o fang balemi ba ntseng ba thuthuha, le tshehetso eo ba e fuwang hore ba atlehe ka ho fuwa tshehetso ya ditjhelete le disebediswa tsa ho sebetsa. Tataiso ya dihwai tsa kgwebo e tshwanetse ho kgothaletswa. Lefa tjhelete e ntle, mme o fumane thuso moo e hlokahalang. Mmuso o leka haholo, empa ha o atlehe nakong ya jwale.
O ka re katleho ya hao e tliswa ke dife?
Nnete ya hore ke ile ka kgona ho etsa phapang ke yona e nthusitseng. Mehlape e o fa botsitso le tjhelete letsohong. Ke thusitswe haholo ke ho ba le dikolobe le dikgoho hore ke kgone ho lefa melato ya ka kgwedi le kgwedi. Ke na le mobu o monyane wa dihekthara tse ka bang 3 tseo ke di nosetsang. Ke lema meroho hore ke fumane tjhelete e kenang kapele. Hobane ke le molemi wa nakwana, ya nang le mosebetsi o tsitsitseng, le yona e a thusa. Haeba temo e ka ba le phaello e kgolwanyane, ke tla ba molemi wa nako tsohle.
Ke dife tse tshosang tswelopele le katleho ya hao?
Ke na le letswalo la hore ho se tsitse ha dipolotike, botlokotsebe le dipuo tse hlokang boikarabelo (mepoto), tse hlahellang diradiong, dithelebisheneng le dikoranteng, di tla beha katleho ya ka ka mosing. Phaello ke ntlha ya bohlokwa.
Ke ntlha efe eo o ratang ho e ntlafatsa temong?
Ke rata ho ba le tsebohadi tokisong ya mobu, paballo ya metsi le thuo/tlhokomelo ya diphoofolo. Ke boetse ke rata thupello ya basebeletsi ba ka.
Maqheka a bophelo ke afe lemong sena?
Ke rata ho ba le bonnete hore botsitso le tshehetso di dula di le teng. Grain SA hammoho le sehlopha sa ka sa boithuto ke dintho tse nthusang. Ke boetse ke rata ho eketsa mehlape ya ka, dikgomo tsa nama. Haeba botlokotsebe bo ka mpha sebaka, nka lakatsa ho simolla ka kgwebo ya dinku.
<fn>PulaImvula. Profile(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Sibongile Victor Michael Mahlinza o hlahetse Estcourt ka la 14 Phupu 1961, mme a holela Ntabamhlophe (White Mountain). A simolla ka dithuto tsa hae tsa poraemari ka 1968 sekolong sa Cornfield Primary. Ka 1976 a kena sekolong se phahameng sa Mtshezi moo a phethileng kereiti ya 11 ka 1982.
Ka 1983 a etsa qeto ya ho ya Johannesburg moo a sebeditseng selemo e le mongodi wa konteraka e ahang matlo. Ke ha Victor a sebetsa e le storeman khamphaneng ya dikhemikhale Johannesburg ho fihlela ka 1986. Ho tloha ka 1987 ho fihlela ka 1988 Victor a sebeletsa M & L Distributors e le mokganni wa lori. Ho tloha ka 1989 ho fihlela ka 1995 a ba tlasa konteraka ya AMCA Construction e tsamaisang thepa. Selemong sa 1996 Victor a rata ho ba molemi, mme a kgutlela lapeng. A simolla temo, a sebedisa dikgomo ho lema dijothollo. A reka terekere ya hae ya pele ka 2003.
Victor o nyalane le Linah, mme ba hlohonolofaditswe ka bana ba bahlano; banana ba bararo le bara ba babedi. Fikile (26) o na le bana ba babedi. Sizwe (19) o phethile kereiti ya 12 Pietermaritzburg, Zakhe Agricultural College, mme a phetha thuto ya meroho kholetjheng ya Buhle mane Delmas. Hajwale o sebetsa le Victor polasing ya hae. Zandile (15) o kereiting ya 9 sekolong se phahameng sa Abantungwa. Mpumelelo (11) o kereiting ya 4 sekolong sa Mathamo Primary.
Victor o boetse o nyalane le Norah, mme ba na le bana ba bararo; mora le baradi ba babedi. Ayanda (24) o phethile kereiti ya 12 Mtshezi High School, mme o na le sertifikeiti sa N3 ho tsa Civil Engineering kholetjheng ya Berea Technical mane Durban. Ayanda hape o sebetsa mmoho le ntatae polasing. Baradi ba hae ba babedi. Thakasile (20) hajwale o etsa kereiti ya 11 Abantungwa High School, mme Bongeka (12) yena o kereiting ya 6 Mathamo Primary School.
Victor o na le diterekere tse pedi; Massey Ferguson 440 4 x 4 le Massey Ferguson 5465 hammoho le motorokara wa Colt 2.8. O tla fihlella tse kgolo hobane o holetse tikolohong ena ya temo. O na le ponelopele, mme o sebete ho tadimana le diphephetso tsa ho ba molemi.
O lefella dijothollo tsa hae jwang?
Victor ha a sebedise motho ya sebetsanang le ditjhelete, empa yena ka sebele o itefella dijothollo tsa hae, e leng bothata boo a nang le bona hajwale ka ha o sebedisa mobu wa setjhaba, mme o hira ho molemi wa kgwebo ho ka etsang dihekthara tse 15 tsa mobu o lengwang.
Tse kenngwang mobung o di fumana hokae?
O reka tsohle tsa temo ho ba TWK toropong ya Winterton, mme dikhemikhale tsona o di reka ho ba Farmers Agri-Care hona moo Winterton. Victor o reka peo ka ho otloloha ho Pannar le Monsanto, mme o motlotlo haholo ka tshebeletso eo ba mo fang yona.
Mmuso o thusa jwang temong, mme mmuso o phethahatsa thuso jwang?
Victor o bona mosebetsi wa Lefapha la Temo ka leihlo le letle lebatoweng la hae ka ha a fumana tshehetso e ntle, mme o bona Lefapha la Temo le phethahatsa boikarabelo ba lona. Lefapha la selehae la Temo le thusitse balemi ho lema poone e tshehla mabapi le SAB. Katleho ya hae temong e itshetlehile ka moralo o motle le ho sebetsa ka thata haholo.
O bona dife e le ditshoso tswelopeleng le katlehong ya hae?
O ikutlwa hore tshoso e kgolo ka ho fetisisa tswelopeleng ya hae ke kgaello ya tjhelete dijothollong tsa hae mehatong yohle ho fihlela mohatong wa ho di mmaraka. Ditshenyehelo tsa mosebetsi le tsona ke tshoso e kgolo ho yena.
Ke dintlha dife tsa temo ya hae tseo a batlang ho di ntlafatsa?
Victor o tla rata ho ntlafatsa dikgomo le dipodi tsa hae ka ha a bona sena e le ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa e ka etsang hore botsitso bo be teng dijothollong tsa hae. Mokgwa wa hae wa ho iphedisa selemong sena ke ho arohanya mesebetsi; jwalo ka ha re bona hore o lemme poone, dinawa tse ommeng, meroho le chicory tlasa konteraka le ba Nestle.
<fn>PulaImvula. Profile(maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Monica Mathamba o dula Lebatoweng la Tsamaiso la Mthatha Mbozisa moo e leng setho sa Mokgatlo wa Mbozisa Farmers Association. Monica ke molemi masimong a setjhaba, mme o kgonne ho tshireletsa ka terata masimo a hae a dijothollo, a dihekthara tse tsheletseng.
Monica o bile teng dithutong tse latelang tsa kwetliso, e leng tsa Grain SA: Selelekela tlhahisong ya poone hammoho le thuto e phahameng tlhahisong ya poone. Monica o ntlafaditse tlhahiso ya hae ya poone ka ho sebedisa tsebo le boitsebelo ka ho ba setho sa Grain SA. O ne a atisa ho hlahisa ditone tse 3,5 hekthara ka nngwe, empa jwale o hlahisa ditone tse 4,5 hekthara ka nngwe.
O lefella dijothollo jwang?
Tefello ya dijothollo e tswa mokotleng wa hae, mme o lla ka motho ya mo sebeletsang ka ditjhelete ka ha dikadimo tsa ditjhelete di tjhaellwa monwana nako e se e ile, ha sehla se se se fetile.
Tse kenngwang mobung o di fumana jwang?
Monica o reka tse kenngwang mobung ho ba Mthiza Farmers Co-op le ba East Cape Co-op. Ka papiso ditheko di phahame, mme ha ho keletso ya sethekgenike eo bafepedi ba thepa ba mo fang yona.
Boikarabelo ba mmuso ke bofe temong, mme mmuso o bo phethahatsa jwang?
Boikarabelo ba mmuso ke ho fana ka keletso ho balemi hammoho le boitsebelo ba sethekgenike hammoho le ho fana ka tsa motheho. Monica o re mmuso ha o phethahatse boikarabelo ba ona hobane ha o kenye maano a ona tshebetsong.
Katleho ya hae e itshetlehile hokae?
Monica o tshetlehile katleho ya hae leratong leo a nang le lona le ho sebetseng ka thata. O dumela hore dipeo tsa mabasetere, manyolo le tshebediso ya dibolayalehola ho laola mahola, ke tsona tse ntlafaditseng kuno ya hae. Lemong sena, Monica o rata ho reka disebediswa tsa temo, haholoholo sefafatsi sa boom.
<fn>PulaImvula. ProtectingMaize.2009-03.st.txt</fn>
Photos: Mulches: Ho kwahela ka mahlaku le majwang ke setshireletsi se behwang ho potoloha dimela ho thibela tahlehelo ya mongobo, ho hwama ha metso le ho hola ha mahola.
Pula le marothodi a pula mobung o hlobotseng, hammoho le se ka etswang ho fokotsa tshenyo e bakwang ke pula tse matla, ke taba e bohlokwahlokwa ho molemi.
Ho Pula Imvula ya Hlakola re ile ra shebana le tshireletso ya mobu o ka hodimo, mme ra supa ditholwana tsa kgoholeho ya mobu hammoho le mefuta ya kgoholeho. Lengolong lena re hlalosa ditlamorao tsa pula mobung o hlobotseng hammoho le tsa tse tshireletsang mobu.
Karolo ya matla (eneji) a metsi e sebediswa ho thuha mobu le ho otlanya dikarolwana tsa mobu ka mahlakoreng ohle. Mobung o leng motsitseng, mobu o otlanngwa ka mahlakoreng ohle ka ho lekana, mme ke mobu o monyane haholo o lahlehang; empa moo mobu o leng sebakeng se tshekalletseng teng, mobu o mongata o tla otlanngwa haholo ho feta moo e leng moepa. Ka hoo, moo ho tshekalletseng, mobu o tla theohela tlase butlebutle, mme qetellong o tla be o le thoko le moo o neng o le teng pele.
Kamano e haufiufi e teng pakeng tsa sekgahla sa metsi a pula le kgoholeho. Ke nnete e tsebahalang hore boholo ba tshenyo ya kgoholeho (50% ho isa ho 80%) bo bakwa ke sekgahla se phahameng haholo sa merwallo ya metsi ka nako tse itseng mabatoweng a dipula tsa hlabula.
Ho qaphatseha ha marothodi a pula ho hongata motshekallong.
Metsi a mangata a imathela feela moo ho tshekalletseng.
Ho matha ha metsi ho a potlaka.
Ho tshekalla ho matla haholo hammoho le mekgwa ya tsamaiso di tla sitisa dijothollo tse ka lengwang setsheng se itseng, ha eba kgoholeho ya mobu e tshwanetse ho ba ka hara meedi e itseng. Meedi ena e itshetlehile haholo ho hoholeng ha metsi le ho hoholweng ha mobu lebatoweng le itseng.
Masimo kaofela a lenngweng a tshekalletseng ho feta 3% a tshwanetse ho tshireletswa ka mobu o phahamisitsweng dikarolong tse ka thoko tsa masimo (contours) hore metsi a sa hlokahaleng a tlohe masimong.
Dijothollo tse jetsweng ka mela di ka lengwa feela moo ho tshekalla ho sa feteng 10%.
Dijothollo tse nyane di ka lengwa metheong e ka tlasa 15%.
Makgulo a ho fudisa a ka dumellwa feela ho tshekalleng ho tlasa 30%.
Ho tshekalla ho fetang 30% ho ka sebedisetswa meru le tshireletso ya tse hlaha.
Boteng ba dimela ke sesebediswa se matla kgahlanong le kgoholeho e bakwang ke pula. Seabo se matla sa dimela kgoholehong e bakwang ke pula ke ho iketsa samporele, ka mantswe a mang, ke bokgoni ba dimela ho thiba marothodi a pula pele a fihla mobung. Marothodi a pula a welang hodima mahlaku le dikutu a lahlehelwa ke boholo ba eneji (matla) ka ho otlana, mme ebe a fetoha marothodi a manyane a welang mobung ka sekgahla le eneji e fokotsehileng, kapa a theoha jwalo le dikutu tsa dimela ho fihlela a fihla mobung a saletswe ke eneji e fokolang haholo.
Mahlaku le ditlamatlama tse kwahelang di sebetsa ka mokgwa o hlwahlwa ho feta samporele hobane di kena dipakeng tsa marothodi a pula haufi le mobu, e leng se thibelang marothodi ho boela a eba le lebelo. Mahlaku ana le ditlamatlama tsena di boetse di sitisa ho matha ha metsi hodima mobu, e leng se fokotsang lebelo le tsamaisa tse hoholwang. Le ha mahlaku ana le ditlamatlama tsena di sa kwahele mobu ka hohlehohle, hona e ka ba mokgwa o hlwahlwa wa ho ntshetsa pele mokgwa wa ho tshireletsa jwalo ka samporele.
Setshireletsi sena sa tlhaho e ka ba lehlaka, mahlaku, dikutu, phofo ya patsi kapa patsi e adilweng hodima masimo. Temong, masalla a dijothollo le ona a ka sebediswa ka katleho.
Bohlwahlwa ba setshireletsi sa mobu thibelong ya kgoholeho bo eketseha ka ho kgema mmoho le bongata ba setshireletsi sa mobu. Se kgahlanong le sena e ntse e le nnete - bongata ba kgoholeho ya mobu bo kgema mmoho le bongata ba mobu o tsotseng feela.
Masalla a dijothollo a tshwanetse ho tlhohelwa hodima mobu, ntle le ha eba mabaka a le teng a kgannang hore sena se se etswe, mohlala, malwetse a dimela, tahlehelo ya nitrojene ka baka la ho bola ha dimela, tlhokeho ya hore ho lengwe, ho jalwe, phediso ya lehola, jj. Ho boetse ho teng mokgwa o tlwaelehileng Afrika Borwa wa ho sebedisa masalla a dijothollo e le dijo tsa diphoofolo.
Ho ya ka moo mathata a temo a amehang ka teng, ho teng disebediswa tse lemang le ho jala ntle le ho tshwenyana le ditshireletsi tsa mobu.
Mabapi le dijothollo tsa mela, ho lema le ho phethola ho ka fella meleng e jetsweng, mme yaba dibaka tse pakeng tsa mela di sielwa ditshireletsi tsena tse boletsweng ka hodimo. Mahola a ka laolwa ka dikhemikhale.
<fn>PulaImvula. Prys.2007-12.st.txt</fn>
Ho boima ho dumela hore theko ya Safex ya koro mabapi le Hlakola 2007 e ne e sa ntse e le mohatong o tlasa R1 880/tone hoba e nyolohele sehlohlolong sa R3 460/tone ka la 18 Loetse.
Le hoja ho phahama ha theko ho ne ho tshepisa, leihlong la mohlahisi wa dijothollo, bahlahisi ba unneng molemo ho phahameng ha theko (le sehlohlolo) e bile bao feela ba ileng ba boloka tse ding tsa dijothollo tsa bona tsa 2006/2007, kapa bao ba ileng ba nka maemo a nako e telele ho Safex. Ka bomadimabe, ka papiso ke bahlahisi ba seng bakae ba kgonang ho boloka dijothollo tsa bona nako e telele ka mora kotulo, mme ebe ba shebana le kotsi ya ditheko tse theohileng. Bahlahisi ba ka botsa, baeletsi ba ne ba le hokae Hobaneng ha bahlahisi ba sa ka ba fuwa keletso e molemo?
Ka bomadimabe, keletso e ntle ka ho fetisisa e leng teng nakong efe kapa efe ha se yona feela ntlha e ka nnetefatsang qeto mabapi le mmaraka. Ho sa le teng tse ngata, tseo hara tsona maemo a lehodimo e leng e nngwe ya tsona, e nang le seabo ho fetofetoheng ha ditheko, eo hape e ke keng ya porofetwa ka botlalo.
Theibole ya 1 e bontsha theko ya koro lefatsheng ha esale ho thloha ka 2005, ho kenyeleditswe ditekanyetso mabapi le tlhahiso ya lefatshe ya sehla sa 2007, e leng tse entsweng mafelong a Hlakola, hammoho le ditekanyetso tsa moraorao tsa nako e tlang. Tlhahiso ya lefatshe mabapi le sehla sa 2007 e lekanyetswa ho ditone tse dimilione tse 623,7 ka baka la sebaka se lebelletsweng, se eketsehileng, se lokelang ho jalwa, seo kuno ya sona e lebelletsweng ho kgutlela setlwaeding. Ha eba ditekanyetso tsena di ne di fihlelletswe, ho ka be ho bile ditone tsa dimilione tse 33,5 ho feta (6,7%) tsa koro e leng teng mmarakeng mabapi le sehla sa 2006. Ka tshebediso ya lefatshe ya ditone tse ka etsang dimilione tse 620, ho ka be ho ile ha eba teng koro e ngata ho feta e lekaneng mmarakeng ho kgotsofatsa ditlhoko.
Mohlodi: Lekgotla la Matjhaba la Dijothollo.
Ka baka la maemo a seng matle a lehodimo, dinaha tse fapaneng, tsa bohlokwa, tsa tlhahiso ya koro, di ile tsa theola ditekanyetso tsa tsona tsa dijothollo makgetlo a mmalwa nakong ya sehla sa 2007, le mafelong a Loetse 2007. Tekanyetso mabapi le tlhahiso e bile ditone tsa dimilione tse 601,4. Sena se bile ditone tsa dimilione tse 22,3 ka tlase ho ditekanyetso tsa Hlakola 2007 - sena se qetelletse ka keketseho e kgolo ya theko ya koro matjhabeng.
Kerafo ya 1: Kgwedi e haufiufi ya konteraka ya Safex, hammoho le theko (eo ditshenyehelo tsa transeporoto di lefshwang ke moreki) mabapi le koro ya Argentina le hard red wheat ya USA (Ka didolara tsa Amerika tone ka nngwe).
Spirce: Lekgotla la Matjhaba la Dijothollo, le pokello ya dintlha (data base) ya Safex le Grain SA.
Theko ya koro ya Argentina e ne e hweba ka $177 tone ka nngwe nakong ya Hlakola 2007, mme hamorao e se e eketsehile ho ya ho $355 tone ka nngwe (Kerafo 1). Hona ke keketseho ya $158 tone ka nngwe kapa 89% le hoja ho ena le keketseho e nyane a dijothollo tsa Argentina ha esale ho tloha ka ditekanyetso tse tadimetsweng pele tsa Hlakola. Theko e sa kenyeletseng transeporoto ya USA hard red wheat motjhophorong wa Gulf, e bontshitse tshekamelo e ntseng e tshwana le hoja keketseho ya ditone tse dimilione tse 1,5 dithollong tsa koro ya Amerika e bile teng ha esale ho tloha qetellong ya Hlakola (Theibole ya 1).
Ka baka la maemo a seng matle Australia, Canada le Yunioneng ya Yuropo, dijothollo di ile tsa fokotseha ka sekgahla, mme sena se qetelletse ka phokotseho e kgolo pokellong ya koro ya lefatshe ka 2007 - sena se boetse se tlisitse kgatello thekong ho phahama mmarakeng wa matjhaba.
Kerafo ya 1 e bontsha hore theko ya Safex (mabapi le kgwedi e haufiufi), jwalo ka ha e hlahiswa ka $ tone ka nngwe, e ile ya latela theko ya koro ya matjhaba selemong sa 2007. Ho tloha ka Hlakola 2007, theko ya Safex e se e eketsehile ka ho ka etsang $200 tone ka nngwe, papisong le keketseho ya $158 tone ka nngwe bakeng sa koro ya Argentina hammoho le keketseho ya $143 tone ka nngwe bakeng sa koro ya hard red wheat ya USA.
Keketseho e kgolwanyane thekong ya koro ya selehae ka didolara papisong le theko ya matjhaba, e ka hlaloswa haholoholo ke keketseho ditjehong tsa tsamaiso kapa transeporoto. Ka Hlakola 2007 e bile ditjeho tse ka mathelang ho $43 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ka sekepe ho tloha Argentina ho ya Afrika Borwa, le $48 tone ke nngwe ho tloha motjhophorong wa Gulf ho ya Afrika Borwa. Ka baka la tlhoko e ntseng e hola transeporoto, ditjeho di batla di menahane selemong sena. Ditjeho hajwale lebatoweng di ka ba mane ho $73 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ho tloha Argentina, le $88 tone ka nngwe ho tsamaisa koro ho ya Afrika Borwa ho tloha dikoung motjhophorong wa Gulf (Kerafo ya 2). Ka R6,85/$, keketseho ditjehong tsa tsamaiso ha esale ho tloha ka Hlakola 2007 e leng R219 tone ka nngwe.
Tlhahiso e fokotsehileng, e lebelletsweng, ya koro ya lefatshe, e bile le seabo sa bohlokwa keketsehong ya theko ya koro ya matjhaba, mme hobane Afrika Borwa e tlamehile ho romellwa ho tswa ka ntle borarobonngweng ba ditlhoko tsa selehae, keketseho thekong ya matjhaba e kgannetse keketsehong ya theko ya Afrika Borwa. Ditjeho tse eketsehileng tsa tsamaiso di boetse tsa eketsa kgatello thekong ya selehae ka ha e kgannetse keketsehong ya ditjeho mabapi le tse romellwang ho tswa ka ntle. Keketseho thekong ya matjhaba e nnetefaditse hape seabo sa setonanahadi sa maemo a lehodimo dithekong tsa dihlahiswa tsa temo. Mme jwalo ka ha le rona re tseba, ho boima ho ka tseba seo Tlhaho e tla se etsa.
<fn>PulaImvula. Pula.2010-01.st.txt</fn>
Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le bua ka ditaba tsa bohlokwa ho molemi, tse fuperweng kgwedi le kgwedi ke Pula/Imvula.
Dikopi tse 18 000 tsa Pula/Imvula di phatlalatswa kgwedi le kgwedi ka dipuo tse supileng - Senyesemane, Afrikaans, Sesotho, Setswana, Sesotho sa leboya, Sezulu le Sexhotsa. Kgwedi le kgwedi, Pula/Imvula e na le maqephe a robedi a tsheheditsweng ka ditjhelete ke ba Maize Trust. Ba Winter Cereals Trust ba na le tlatsetso ya maqephe a mane a hatiswang ka Sesotho kgweding tsa Hlakubele, Phupjane, Loetse le Tshitwe. Ha e le OPOT yona e na le tlatsetso ya maqephe a mane a hatiswang ka dipuo tsohle (ntle le Sexhotsa) kgweding tsa Pherekgong, Mmesa, Phupu le Mphalane.
Re etsa boiteko bohle ho kenyelletsa ditaba tse bohlokwa ho molemi mabapi le kgwedi e itseng. Ditaba tsena kaofela ke tse shebaneng le masimo, temo, mekgwa ya tlhahiso, mmaraka, metjhine le tsamaiso ya mosebetsi.
Diteboho tsa rona di lebiswa ho ba tshehetsang ka ditjhelete mabapi le monyetla oo ba re fang ona wa ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya temo le ho tlisa diphetoho lefapheng la temo.
<fn>PulaImvula. Radio(maize).2011-02-08.st.txt</fn>
Jwalo ka ha o lemohile, re emisitse taba ya ho hasa diradiong tsa Lesedi, Motsweding, Ligwalagwala le Umhlobo Wenene.
Lebaka ke hore SABC e nyolotse ditjeo tsa yona tsa beke le beke ho tloha ho R10 700 ho ya ho R63 000. Tjhelete ena e bile ka thoko ho ditekanyetso tsa rona, mme ka hoo re fumane hore re ke ke ra kgona.
Ka lehlohonolo, re kgonne ho etsa tumellano le diteishene tsa selehae - Setsoto FM, Radio QwaQwa, Barberton Community radio, Alfred Nzo Community radio, Radio Zululand, le Mafikeng FM. Ka nako eo re neng re ngola ditaba tsena, re ne re eso fumane dintlha mabapi le matsatsi kapa dinako tsa hore kgaso di tla ba neng, empa re tla kenyelletsa dintlha tsena kgatisong ya Pula kapele ka moo ho kgonahalang ka teng.
<fn>PulaImvula. Radio.2010-01.st.txt</fn>
Radio ke mokgwa o matla wa balemi lefapheng la ntshetsopele. Mananeo a beke le beke a tshehetswa hantle, mme ditaba tsa indasteri di ka fetisetswa ho balemi ka mokgwa ona.
Radio Umhlobo Wenene (Sexhotsa ho tswa Eastern Cape).
Nako e ntle ya ho simolla ho sebetsa ke efe?
Ka phaello tse fokotsehileng - balemi ba ka lema dijothollo hokae?
Letsatsi le letsatsi re lahlehelwa ke mobu wa temo ka baka la ntshetsopele, e leng mobu o neng o sebedisetswa temo pele.
Metsi - ho jala o tshwanetse ho sebetsa mobu ka mokgwa oo o ka bolokang metsi mobung, o fumana metsi puleng kapa ha eba o le lehlohonolo o ka a fumana ka mokgwa wa nosetso.
Dijo - o hloka manyolo hore dimela di hole hantle. O hloka N, P le K ka ditekanyo tse nepahetseng hore o be le tswelopele le kgolo e ntle ya metso.
Borakonteraka le hore neng, hobaneng le hore ba ka sebediswa jwang. Ke tshohlile taba ya botle le bobe. Ho bohlokwa ho tseba ditjeo tsa mosebetsi ka mong wa ho phethola mobu e le ho qoba taba ya ho lefa ho feta ka moo o lokelang. Ha eba o na le sesebediswa sa hao, mpo sebedise sona hle.
Ha eba mela e mmedi e kopaneng e ena le mebala e fapaneng - ekaba phoso e bile hokae?
Ke i le ka simolla ka lethathama la mananeo moo ke ileng ka sebedisa ditaba tse tswang manolong a Pula/Imvula mabapi le: Na molemi o ilo jara boikarabelo mabapi le ditheko tse ntseng di phahama tsa dijo?
Molemi wa dijothollo a ka atleha jwang?
A rere mesebetsi hantle, a nahane hantle.
<fn>PulaImvula. RainfallMaize.2009-09.st.txt</fn>
Photos: Setshwantsho 1.1 Palohare ya pula ya selemo ho ya ka mm/selemo.
Setshwantsho 1.2 Palohare ya phofudi ya selemo ho ya ka mm/selemo.
Mongobo ke ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa e tshwaetsang tlhahiso ya dijothollo. Lebatowa ka leng le na le palohare e ngotsweng fatshe ya pula. Palohare ena ya pula e tla bontsha ka ho hlaka hore ke dijothollo dife tse ka lengwang lebatoweng le itseng tlasa maemo a mobu o ommeng kapa o fumanang pula e ngata. Moo ho nosetsa ho kgonahalang teng, dintlha tse ding tsa tlelaemete di boela di eba bohlokwa ka ha ditlhoko tsa metsi di kgona ho laolwa ka ho nosetsa.
Ke taba e tshwanetseng ho hopolwa hore le hoja pula e kaalo e ka na, ha se metsi metsi kaofela a ka sebediswang ke semela. Ha pula e na ka potlako, ho phalla ha metsi ho a eketseha. Ha mobu o le motheong, ho phalla ho a eketseha. Ho itshetlehilwe ka mokgwa wa ho phetholwa ha mobu, mobu o ka nna wa ba le lekgapetla le thata, le tla thibela ho monngwa ha metsi. Ha mobu o se na letho la dimela kapa mahlaku hodima ona, tahlehelo ya metsi ka mokgwa wa phofudi (evaporation) le yona e tla eketseha. Mofuta wa mobu o boetse o tshwaetsa bongata ba metsi a ka bolokwang mobung, mme boteng ba mahola masimong bo ka nna ba sebedisa mongobo wa mobu, e leng bo etsang hore a se fihlellwe ke dijothollo. Palohare ya pula le phofudi ya selemo Afrika Borwa e bontshwa setshwantsong sa 1.1 le sa 1.2 (DWAF, 1986).
Karolo e ka nyane ho 20% ya bokahodimo ba Afrika Borwa ya dikwere kilomithara tse milione tse 1,05 ke ya tlelaemete ya mongobo o mahareng wa palohare ya pula e fetang 750mm ka selemo le palohare ya phofudi e ka tlase ho 1 400 mm ka selemo - e leng se ka tadingwang e le maemo a matle a ho hola ha dimela le tlhahiso ya dijothollo.
Mabatowa a pula e fetang 500 mm ka selemo le phofudi e tlasa 1 800 mm ka selemo a kenyeletsa dibaka tse mahareng tsa highveld, lebatowa le ka botjhabela pela lewatle hammoho le lebatowa la pula ya mariha. Ho nosetswa ha mefuta e mengata e fapaneng ya dijothollo hammoho le temo ya dibaka tse ommeng, haholoholo poone, mmoba le koro, ka kakaretso ho etsahala mabatoweng ana. Karolo yohle e setseng ya naha eo ka kakaretso e leng ya tlelaemete e futhumetseng, e batlang e omme ho isa ho e ommeng, ya pula e mahareng, e nang le ditlhoko tse tlase ho 50% tsa tahlehelophofudi ya dijothollo, e loketse kgolo e ntle le tlhahiso e ntle ka ho fetisisa. Ka baka lena, ho nosetsa ho bohlokwa mabapi le makgulo, difate tsa ditholwana le temo ya dijothollo mabatoweng ana.
<fn>PulaImvula. Resources.2008-08.st.txt</fn>
Disebediswa - na o di sebedisa ka bohlale?
Tekanyetso le tshebediso e feletseng ya disebediswa tsohle tse fumanehang ho rapolasi, ke ntho e bohlokwa haholo bakeng sa katleho e kgolo boemong ba ditjhelete ba rapolasi e mong le e mong.
Lefatshe le polasi - ho kenyeletswa le tshebediso ya lefatse, boleng ba lefatshe, thuo ya lefatshe le popeho ya taolo ya polasi.
Metsi le lefatshe le kopotsang metsi - ho kenyeletswa ditheko tsa metsi le tsa ho nosetsa, boleng ba metsi, maemo a lefatshe le kopotsang metsi le tshekamelo ya maemo ana.
Tsebo le tlhahiso - ho kenyeletswa kotulo le thuto ya kamoo diphoofolo di neeletsanang sebopeho ka teng, dipatlisiso le ntshetsopele, bayothekenoloji temong le kgolo tlhahisong e tiileng ya dihlahiswa.
Taolo ya tlhahiso ya temo - e kenyang taolo ya kgwebo ya polasi, taolo le poloko ya mobu, mokgwa wa taolo ya sesenyi, mokgwa wa taolo ya phepo, mokgwa wa tlhahiso ya diphoofolo le tikoloho, taolo ya nosetso, taolo ya thekenoloji ya tlhahisoleseding le mekgwa ya tlhahiso e tsamaisanang le mekgwa e lokileng ya poloko.
Lebaka le leng le bohlokwa le ka nkwang e le karolo ya taolo ke thekiso - ntle le mmaraka moo ditlhahiso di ka rekiswang teng ; ha ho na lebaka la ho di hlahisa.
Le ha mabaka ana kaofela e le a nyallanang hantle le kgwebo ya temo e nang le katleho le boikemelo, atekele ena e tla tsepamisa maikutlo ho tekanyetso ya bokgoni ba lefatshe le taolo ya lefatshe jwaloka sesebediswa se beang peo bakeng sa ho bopa kgwebo e nang le poello le boikemelo. Mabaka ana a mang kaofela a lokela ho hopolwa kamehla nakong eo ho sebetsanwang le ditlwaelo tsa sebopeho sa tlhahiso, tse tla lekanya ditshenyehelo tse amanang le tlhahiso ka ho otloloha, le tse sa fetolweng ke tlhahiso, tse hlokahalang ha ho ralwa kabo ya ditjhelete mohlophollong wa moedi wa kgwebo ya hao ya temo.
Lefatshe le hara disebediswa tse bohlokwa ka ho fetisisa tsa naha e nngwe le e nngwe. Diqeto hodima tshebediso ya lefatshe di etswa letsatsi le leng le le leng ke balaodi ba dipolasi di itshetlehile hodima maemo a mebaraka, mananeo a mmuso le sebopeho se ikgethang sa lefatshe leo.
Le sa nwesetsweng.
Dibaka tse sebedisetswang thotho ya mahaeng, dipaka tsa naheng le diphoofolo tse hlaha, tshireletso le tshebediso bakeng sa diindaseteri, matlo a polasing, ditsela tsa polasing le ditoropo tsa mahaeng le tsona di a kenyeletswa. Tekatekanyo ya lefatshe e abelwa lefatshe le kopotsang, mekgwabo, mehlaka, dinoka, matamo, mafika a se nang dimela le dibaka tsa mahwatata.
Hodisa phapano ya diphoofolo tse hlaha.
Borapolasi ba Afrika Borwa ba ka sebedisa disebediswa tsena ka ho fana ka monyetla wa ho tshwasa dihlapi le ho tsoma ho bahahlaudi, mme ka ho etsa jwalo ba tla be ba hlahisa kuno e sa amaneng le tlhahiso. Disebediswa tse abelwang lefatshe di tiiswa ke dipoello ho tshebediso tse fapaneng mme di ka fetolwa ho latela boleng ba lefatshe le sebaka seo lefatshe le leng ho sona.
Lefatshe la polasi e beang haholo kapa e hlahisang ho feta, le hlaloswa ke motho e le lefatshe le nang le kopanyo e hodimo ya phapantsho ya sebopeho le dikhemikale bakeng sa ho hlahisa dijo, dijo tsa diphoofolo, tshwele ya dipere le dikgomo le peo ya oli.
Lefatshe le lokela ho ba sebakeng seo mobu wa teng o nang le boleng, sehla sa ho lema le phepelo ya mongobo tse hlokahalang ho hlahisa tlhahiso e ikemetseng ya dijalo ha e tshwarwa le ho laolwa, ho sebediswa mekgwa ya ho lema e amohelehang, ho kenyeletswa taolo ya metsi le mekgwa ya poloko.
Leo ho lona metsi le moya di kgonang ho feta habobebe.
Le tshireletsehile dikgoholeng.
Tlhahiso ho tswa lefatsheng la polasi ya boemo bo hodimo e ka kenya dihlahiswa tsa dijalo tse kang, poone, mabela, koro, habore, sonobolomo, khanola, dinawa tsa soya, kwae, meroho, dihlahiswa tsa kgodisetsong ya dimela, tshwele le diruuwa, dihlahiswa tsa nama ya kgomo, tsa lebese la kgomo, dinku, dipodi, dikgoho le tsa diphoofolo tse hlaha. Mekgwa e mengata e sebediswang ha ho hlahiswa e le nngwe kapa tse mmalwa tsa dijalo ka phapantsho, tshebedisanong mmoho le mekgwa ya diruuwa e thehilweng hodima thlahiso ya dijo dibakeng tse kgolo kapa dibakeng tse itseng feela, di nnile tsa kenywa tshebetsong ke bo rapolasi hohle lefatsheng.
Tshebediso e fetohang ya lefatshe e ka ama tikoloho le boikemelo ba tlhahiso. Ka nako tse ding kamo ena ya tikoloho e ka tlisang kgoholeho, ya fetola boleng ba metsi le mahae a diphoofolo, ha e bontshwe nakong eo rapolasi a iphumanelang poello ya hae mme mosebedisi wa lefatshe a ka tshwenyeha haholo ka pokotho ya hae ho ena le hore a tshwenyehe ka tshebediso ya lefatshe e tlisang boikemelo. Kgetho ya tshebediso ya lefatshe e lokileng bakeng sa motho a le mong ha e bolele hore e lokile bakeng sa setjhaba.
Motho ya nang lefatshe mme a batla ho fumana poello e hodimo o tla aba lefatshe ho ya ka hore le mo tlisetsa kuno e hodimodimo e lebeletsweng ya ekhonomi na.
<fn>PulaImvula. Safety.2008-01.st.txt</fn>
Jwalo ka beng ba diterekere le disebediswa, o tlamehile ho ela hloko nnete ya hore o jere boikarabelo ba mang kapa mangy a sebedisang disebediswa tsa hao.
Re tlasa melao e fapaneng e mabapi le kganya, matlwana, ho kena ha moya, diaparo tse tshireletsang, tlhwekiso ya metjhine hammoho le taolo ya bao bohle ba sebetsang ka disebediswa tse kotsi.
Lebelo le phahameng haholo.
Tlhoko ya ho sebedisa diaparo tse tshireletsang.
Ho sothwa ha karolo tse itseng motjhine o ntse o matha.
Tlhoko ya tse tshireletsang motho.
Sebedisa thuluse e nepahetseng: se sebedise thuluse e nyane ho phetha mosebetsi wa e kgolo.
Hlokomela dithuluse hantle: Di boloke di leoditswe kapa di sothilwe ka nepo, mme o di hlwekise kgafetsa ka nako tsa teng. Etsa bonnete hore mehele e tiile hantle.
Sebedisa digalase tsa boipaballo tshebedisong ya dithuluse tse ngata. Hape sebedisa lesela le tshireletsang sefahleho ha eba mosebetsi wa ho kgaola o etsetswa leroleng.
Boloka ditshireletsi (guards) di le teng, di le boemong ba tshebetso.
Bana ba be hole le dithuluse: Baeti ba tlang moo ho sebetswang ba be holenyana le moo ho sebetswang teng.
Boloka sebaka sa tshebetso se hlwekile: Dibaka tse pitlahaneng hammoho le dibanka di mema dikotsi.
Boloka dithuluse tse sa sebedisweng: Ha di sa sebediswe, di tshwanetse ho bolokwa - di tlohe tseleng. Lokolla dithuluse tse sebetsang ka motlakase nakong eo di sa sebedisweng.
Apara diaparo tse nepahetseng: Aparo tse kgwehlang haholo di ka nna tsa tshwaswa ke metjhine e ntseng e matha.
Tshireletsa mosebetsi: Sebedisa di-clamp kapa vise ho tshwara ditshepe. Ho molemo ho ena le ho sebedisa matsoho a hao, mme a a lokoloha ha o sebedisa dithuluse.
Se ke wa qobella dithuluse: Di tla kgona ho phetha mosebetsi ka mokgwa oo di o etseditsweng ka teng.
Se ke wa lepella ho feta tekano: hata hantle ka leoto, o tsetse hantle ka nako tsohle.
Sebedisa di-wrenches - se ke wa sututsa. Ha eba o tlamehile ho sututsa, sebedisa karolo e morao ya seatla, me seatla se lokolohe. Hona ho tla baballa dinoko tsa hao.
Tshwarela dintlha tse motsu hole le mmele wa hao. Hona ho tla thibela ho lemala ha mohlomong thuluse e ka thella.
Hokela 'earth' dithuluse tse sebetsang ka motlakase. Sebedisa plug e metsu e meraro kapa adapter e nang le mohala o hoketsweng ho 'earth'.
Eba sebakeng se nang le kganya e lekaneng le moya o lekaneng. Eba le bonnete ba hore dibaka tsa dibanka di kganya ho lekaneng le hore mosi o tswang (exhaust gas) o ntshetswa ka ntle ho sebaka sa tshebetso.
Eba malala-a-laotswe, kit ya thuso ya pele e be mona pela hao. Sebetsana le ho lemala hofe kapa hofe ho honyane hanghang ho thibela ho ata ha tshwaetso.
<fn>PulaImvula. Safex.2008-04.st.txt</fn>
Eo ke namane e ka mpeng!
Jwalo ka bana re ne re rutilwe hore 'taba e itseng ke namane e ka mpeng', empa le ha ho le jwalo, hang feela ha o qeta ho kotula dijothollo tsa hao, e se e le tsa hao ruri. Jwale o lokela ho etsa qeto hore na o e tsamaisa hanghang kapa o ema hanyane le ho e boloka setorong ho fihlela ha diporeisi di phahama (kapa di theohang ha eba o le madimabe) - mona ke ha eba re nka hore mohlomong ha o na konteraka e mmarakang, eo hantlentle o tshwanetseng ho e hlompha.
Ke dintho dife tseo ke lokelang ho di nahana mabapi le ho boloka setorong?
Na polasing ke na le tse ka tshwarang thepa, tse hlwekisang hammoho le sebaka seo ho bolokwang ho sona?
Na ke tshwanela ho tsamaisa thepa ka ho otloloha ho tloha masimong (nakong ya kotulo) ho ya ho motho wa poraevete ya hlokometseng sesiu, molemi e mong, lelwaleng kapa mosebedisi e mong wa dihlahiswa tsa poone?
Ha eba poone e tshwanela ho bolokwa polasing kapa ke mohlokomedi wa mohwebi wa sesiu, ditshenyehelo tone ka nngwe ya tsena e tla ba bokae mabapi le poloko?
Na ditshenyehelo tsa poloko di tla tlisa tjhelete e ngata ha ho se ho lefilwe tswala le ditefello tse batlwang ke banka (Bala mongolo o monyenyane konterakeng efe kapa efe eo ho kenwang ho yona mabapi le poloko (storage)?
Ke diphetoho dife tse lebelletsweng mabapi le poreisi ya dijothollo?
Phethahatsa dintlha dife kapa dife tse saletseng morao mabapi le meralo ya mmaraka, ho ya ka, bonyane, phuputso ya beke le beke ya mmaraka mabapi le ditshekamelo tsa tlelaemete le diporeisi ha o se o buisane le moemedi wa hao wa boeletsi kapa moeletsi ho tsa mmaraka.
Dintlha ke dife tse susumetsang poreisi ya poone Afrika Borwa?
Ha eba poone e teng Afrika Borwa e le e fetang e hlokwang (jwalo ka lemong sa 2004 le 2005) poreisi ya poone ya Safex e batla e hweba haufi haholo le tekano ya tse romellwang ka ntle.
Ha eba ho bonahala eka ho tla ba teng tlhoko ya poone Afrika Borwa (jwalo ka lemong sa 2006 le 2007) poreisi ya poone ya Safex e batla e hweba haufi le tekano ya tse kenang.
Poreisi ya matjhaba ya poone ke karolo e kgolokgolo moo ho shejwang diporeisi tsa tse kenang ho tswa ka ntle le tse tswang ho ya ka ntle.
Poreisi ya matjhaba ya poone e boetse e fetoha letsatsi le letsatsi ho latela maemo a matjhaba.
Phetoho poreising ya matjhaba e baka phetoho mehatong ya poreisi tsa tse kenang.
Diporeisi tsa tekanyo tsa poone ya USA le Argentina di sebediswa haholoholo e le selekanyetso sa poreisi ya poone ya Afrika Borwa.
Ditjeo mabapi le tekano ya poreisi ya tse kenang le tse tswang, jwalo ka theko ya poone mmarakeng wa matjhaba (poreisi ya poone e lokolohileng ho bohle naheng e itseng), ditshenyehelo tsa tse jarwang metsing le inshorense ya thepa eo, e qotswa le ho lefuwa ka didolara tsa Amerika.
Ho fetolela ditjeo tsena diranteng tsa Afrika Borwa, ranta e tshwanetse ho atiswa ka sekgahla sa phapanyetsano sa ranta/US-dollar.
Ho fetoha ha letsatsi le letsatsi mabapi le sekgahla sa phapanyetsano ha Ranta/US-dollar ho tla boela ho baka phetoho diporeising tsa poone e kenang le e tswelang ka ntle ho naha.
Poone ya Afrika Borwa ho hwejwa ka yona letsatsi le letsatsi mmarakeng wa South African Futures Exchange (Safex), e leng karolo ya Johannesburg Stock Exchange (JSE).
Safex e ka hlaloswa e le mokgwa wa papatso wa elektronike moo bareki (mohlala, boramalwala) le barekisi (mohlala, bahlahisi ba poone) ba kgonang ho hlodisana ka ho reka kapa ho rekisa poone nakong e ikgethileng (kgwedi e itseng).
Mmaraka wa dihlahiswa tsa temo tsa Safex o etsa kgwebo letsatsi le letsatsi pakeng tsa 9 hoseng ho fihlela ka 12 motsheare.
Randfontein (Gauteng) ke ntlha eo ho ipapiswang le yona mabapi le poreisi ya poone.
Poreisi ya poone ya Safex, ka hoo, ke poreisi ya poone e iswang Randfontein.
Ha eba poone e iswa sesiung se seng ntle le Randfontein, ho tshwanetse ho etswa phetoho e itseng poreising ho lekanyetsa ditshenyehelo tsa makoloi a tsamaisang thepa eo ho tloha sesiung seo ho ya Randfontein hammoho le ditshenyehelo tse ding.
Ho tseba poreisi e tshwanetseng ho fumanwa ke mohlahisi mabapi le poone ya hae, ha eba e iswa sesiung se ngodisitsweng sa Safex ho ena le Randfontein, ho tshwanetse ho etswa phokotso tse itseng poreising ya Safex.
Phokotso ya pele ke phapang ya sebaka (e leng ditshernyehelo tsa tsamaiso (makoloi) ho tloha sesiung se itseng ho ya Randfontein) e leng e phatlalatswang selemo le selemo ke Safex.
Ha eba poone e iswa sesiung sa bahwebi ba itseng, mohwebi wa temo (monga sesiu) o tla lefisa ba amehang tjhelete ya matsoho.
Ka tlwaelo lekgetho la mmaraka le tla lefuwa ke rakgwebo wa temo kapa khamphane ya kgwebo ha eba poone e sa rekisetswe ka ho otloloha ralelwala ya sebetsang ka poone (mohlala, poone e mmarakwa ke mohwebi wa temo lebitsong la molemi).
Ha eba poone e sa rekiswe ka ho otloloha hoba e tsamaiswe (ha eba e bolokwa setorong nakwana) ho tla boela ho etswe hlophiso ya ditshenyehelo tsa poloko setorong.
Ho bohlokwa hore mohlahisi a utlwisise hore poreisi e tla ba ya mohlahisi ke poreisi e tlasetlase eo a ka e fumanang bakeng sa poone ya hae sesiung se itseng. Ka ho buisana ka ho otloloha le khamphane ya tshilo, bahwebi ba temo kapa khamphane tse ding tsa kgwebo, a ka nna a fumana poreisi e betere ho feta eo ho fihlwang ho yona ya mohlahisi.
Ruri ke taba ya bohlokwa hore mohlahisi a hopole hore ke yena monga dijothollo tsa poone - ke ya hao ho ka e rekisa, mme ha o sa kgotsofale ka poreisi, leka mawala ohle ho fumana poreisi e betere. Poreisi ya Safex ke poreisi e tlasetlase ruri eo o tshwanetseng ho ikemisetsa ho e amohela.
<fn>PulaImvula. School(maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Graph 1: Dikolo tse etetsweng kotareng ya pele ya 2010 le 2011.
Graph 2: Baithuti ketelong ya kotare ya pele ya 2011.
Graph 3: Baithuti ba bileng teng dithutong tsa kotare ya pele.
Graph 4: Dikolo tse etetsweng diprovenseng tse fapaneng kotareng ya pele ya 2011.
Selemong sa 2010, Grain SA e simollotse ka lenaneo la dikolo ka thuso ya ba Maize Trust. Lenaneo le bile le katleho. Kopong ya rona ya thuso ya 2010/2011 ho ba Maize Trust, re boetse ra kopa thuso ya ditjhelete mabapi le lenaneo la dikolo. Ba Maize Trust ba ile ba amohela kopo ya ho thusa ho tshehetsa diketelo dikolong.
Ho bohlokwa hore re kgothaletse bana ho ela hloko molemo wa temo e le mohlodi wa dijo le tshwele, e leng tsa bohlokwa ikonoming, e leng mohlodi wa mosebetsi, hape e le mosebetsi wa hosasa oo motho a ka ikgethelang ona. Karolo e fetang halofo ya batho ba Afrika ke batho ba tlasa dilemo tse 20. Bana ke bareki ba hona jwale, bareki ba nako e tlang, mme ke basebetsi ba meloko e tlang, mme ha re ema ka maoto ho ba etsa hore ba elellwe molemo wa temo ka kakaretso, le wa indasteri ya poone ka ho qolleha, re tla phakisa re ba le tshepo ya hore ba utlwisise bohlokwa ba tsena.
Selemong sena, sepheo sa bohlokwa sa projeke ya rona ke ho ntshetsa pele DVD tse tharo, tse fapaneng, tse bontshang lefapha la temo, la indasteri ya poone hammoho le temo jwalo ka mosebetsi wa ka moso. Palo ya bana e kgolo haholo - sekolong se seng le se seng re tshwanela ho etsa qeto hore na re bona bana kaofela ka nako e le nngwe (ka ha dihlopha tse kgolo di na le bothata ba ho tsepamisa maikutlo ho se buuwang le ho ba le kabelo ho se etswang), kapa re bona dihlopha di arohane (e leng se bolelang hore mokwetlisi o tshwanela ho phetapheta seo a se buileng makgetlo a mangata). Re ile ra ikopanya le ba AgriSETA ka Mphalane 2010 ka kopo ya hore ba re thuse ho tshehetsa lenaneo. Ba bolela hore ba ka thusa ka R360 000 e ka thusang ho ntshetsa pele DVD tse tharo. Ka thabo ra amohela tshepiso ya bona, mme ra kena letsholong la ho batla ba ka re fang ditshebeletso tse loketseng, e leng ba ka re etsetsang DVD tseo. Qetellong ra kgetha ba ha Martie Willemse, ba Noline productions, mabapi le DVD ya pele, le ba PW van Wyk, ba AgriTV, mabapi le DVD ya bobedi.
Ba faneng ka dithuto ba ne ba hlwailwe mabatoweng a fapaneng a leshome, e leng Foreisetata, North West, North West/Gauteng, KwaZulu-Natal, Eastern Cape, Northern Cape le Mpumalanga. Kotareng ya pele, dikolo tse 180 di ile tsa etelwa moo baithuti ba ileng ba bapallwa DVD. DVD e entswe ka mokgwa oo e nang le dibaka tse tharo tsa kgefutso ho ha mofani wa thuto sebaka sa ho hlalosa dikahare tsa yona. Ka mora kopano sekolo se fuwa phoustara ya sehopotso sa dikahare tsa DVD ya pele - Dijo, Tshwele le Bophelo.
Baithuti ba fapaneng ba tswang dikolong tse fapaneng ba ile ba botswa hore na letsatsi leo e bile le molemo ho bona na.
"Ha ke tsebe moo nka simollang teng, empa nka re ke ithutile tse ngata, mme ke thabile haholo ho nna ke ithuta. Ke dumela hore ho bohlokwa ho jala difate, jwalojwalo, hore re kgone ho phela bophelo ba letsatsi le letsatsi ka ho sa feleng re thabile. Ke boetse ke ithutile hore mosebetsi wa ho jala difate ha se wa balemi feela, empa rona re le batjha re tshwanetse ho tseba haholo ka temo hore re kgone ho hlahisetsa batho dijo, mme ho tloha kajeno ke ilo iketsetsa tshingwana ya meroho hobane ke bone hore nka fihlella tse ngata ka ho itemela. Jwale ke thabile, ebile ke rata ho leboha Grain SA ka ho re ruta bohlokwa ba temo. Ke thoholetsa le ho lakaletsa Grain SA mahlohonolo. Modimo o ba tataise ho fihlela re kopana nakong e tlang."
"Re ithutile dintho tse ngata tseo re neng re sa di tsebe, tse kang 90% ya dijo tsa lefatshe tse hlahiswang ke balemi. Re hloka balemi ba bahlano ho etsa burger e le nngwe. Ba bangata ba rona ba ne ba sa tsebe hore diaparo di etswa ka boya ba diphoofolo, le hore diphoofolo ke karolo ya temo. Re ne re nahana hore temo ke ntho feela, empa kajeno re lemohile hore re ne re lahlehile. Ke taba ya balemi, mme ka ntle ho balemi ha ho dijo".
"Ho jwalo! Thuto e ile ya utlwisiswa hantle, mme re ithutile tse ngata ka temo. Re sitwa ho phela ntle le temo. Hantlentle ho teng kamano pakeng tsa tikoloho le balemi ba hlahisang dijo tse tswang diphoofolong le dimeleng. Re ithutile hore seo re se aparang se tswa temong, re boetse re ithutile hore soneblomo e hlahisa ole, le hore khothone e ka hlahisa di-jeans, ho sa tsotellwe setaele. Re boetse re ithutile hore photosynthesis e etsahala dimeleng tse tala, le hore chlorophyll e tswa dimeleng tse tala. Re a o leboha Grain SA, ke thabo ho ba le wena".
"Ke nnete, ke ithutile hore re ka tlisa phetoho ha ka mora sekolo re ka ya sebetsa polasing le ho thusa hore bohle re fumane dijo. Ke bone kajeno moo dijo kaofela tsa rona di tswang teng le dihlahiswa tseo re di jang. Ha ho bonolo ho hlahisa jwalo ka ha re nahana. Hantlentle ha ke eso nahane ka botebo ka tshebetso ya ho hlahisa dihlahiswa, empa jwale e bile taba e monate ruri. Ke a leboha!"
"Ke nnete, hobane ho hotle ho tseba haholwanyane ka temo, mme ke lemohile hore mobu ke mohlodi wa sehlooho wa lefatshe. Tsohle tseo re nang le tsona kajeno di tswa diphoofolong le mobung, mme ho nna e bile boiphihlelo bo botle. Ntatemoholo le yena e bile molemi, empa o ne a se na boiphihlelo jwalo ka ntate ya jalang dintho tse fapaneng jwalo ka khabeshe le ditapole. Ke rata ho futsa bontatemoholo le ho ntshetsa pele thuto ya bona. Sena e bile ntho eo nke keng ka e lebala. Le ntate o tla ba motlotlo. Ke leboha haholo".
"Ke lemohile hore ka ntle ho temo re ilo bolawa ke tlala, mme re ilo hloka diaparo. Ho nna, temo e molemo bathong le diphoofolong, jwalojwalo. Ke rata ho eletsa batho ba bolayang diphoofolo le dimela ho emisa ka ntho eo hobane ha ba ntse ba etsa jwalo ba ntse ba baka mathata a ho sotleha, e leng a ho hloka dijo, patsi, fanetjhara, disebediswa tsa ho aha matlo, mme re boela re hloka tse ka sebediswang ho ngolla. Ha re bolaya diphoofolo re ilo hloka diaparo le dijo, mme ke e ratile haholo."
"Ke bone hore ntle le temo re ilo sotleha, mme batho ba ilo ba siyo, batho ba ilo shwa. Ntle le temo ho ke ke ha ba teng dijo le diaparo le maphepha a ho itshireletsa. Temo e bohlokwa bophelong ba rona hobane ntle le yona ho ke ke ha ba teng tse ngata lefatsheng. Ke a leboha!"
"E bile taba e nthabisang haholo hobane tse ding tsa dintho ke ne ke sa di tsebe. E nthusitse haholo. Ke mpa ke lakatsa hore eka Grain SA e ka boela ya tla hape. Ke ne ke sa tsebe hore reisi e tswa tlasa mobu le metsi. Ntho e nngwe e nthutileng haholo ke hore ke ne ke sa tsebe hore bontatemoholo mehleng ya kgale ba ne ba tshwanela ho ya tsoma hore ba kgone ho apara, ha rona re ithekela dintho mabenkeleng. Ke ithutile tse ngata ho feta ka moo ke neng ke nahana ka teng. Tlong hape le tlo bontsha ba neng ba le siyo. Ba tla makala ha ba bona tseo re di boneng kajeno. E bile taba e monate, e thabisang ruri!"
"E bile taba e kgolo ho nna hobane e entse hore ke lemohe hore dintho tsohle tseo re di jang le ho di apara di tswa temong. Ke ithutile hore balemi ba bohlokwa hobane ba lema dintho tseo re di jang, le hore meroho e mengata eo re e jang e tswa temong. Balemi ba tiisa hore diphoofolo tseo re di jang di phetse hantle le hore mobu ke ntho ya bohlokwa haholo bophelong ba rona. Batho ba tshwanetse ho hlokomela tlhaho hobane ho ka nna ha eba siyo dijo hobane re sebedisa ditone tse milione tsa poone ka selemo, mme ha dintho di tswela pele ka mokgwa ona, lefatshe le ka ba kotsing, mme sena ruri se entse hore ke nahane ka seo re nang le sona, le hore re tlamehile ho ba motlotlo."
"Ketelo ya Grain SA e bile le sekgahla se setle haholo - hobane e re file tsebo ya ka moo dihlahiswa di neng di etswa ka teng mathomong le mehatong e latelang ho fihlela qetellong. Hona e bile boiphihlelo bo matla ho nna. Hantlentle, ke makaditswe ke tshimoloho ya dintho pele di ba seo di leng sona hammoho le menyetla ya mosebetsi eo motho a ka bang le yona ka ditaba tsa temo. Tsena di siile menahano e mengata kelellong ya ka. Ke ithutile ka moo diaparo tseo re di aparang di etswang ka teng. Jwale ke ilo fuputsa menyetla ya mosebetsi e nkemetseng temong hobane ke bone hore batho ba se nang tsebo ya mosebetsi le bona ba ka nna ba kenya letsoho - e leng se bolelang hore mesebetsi e mengata e ilo ba teng, le hore maphelo a mangata a ilo fetoha. Sena hape e bile boiphihlelo bo makatsang ho nna".
"Ke nnete, ho bile bohlokwa hobane ke ithutile tse ngata ho feta ka moo ke neng ke lebelletse ka teng. Qalong, ke ne ke sa tsebe hore temo e bohlokwa hakana, le hore e na le kabelo e kgolo bophelong ba rona. Ho a makatsa hore hoseng ha kajeno ha ke tsoha ke jele dijo tse tswang temong. Ho boetse ho a makatsa le hore ke apere diaparo tse tswang temong. Ho makatsang le ho feta ke hore ke ilo robala ka linene e tswang temong. Ke ne ke sa tsebe hore reisi e tswa dimeleng. Ruri, temo e bohlokwa bophelong ba rona. Re tshwanetse ho baballa dimela, le tsona tseo re nahanang hore ha di bohlokwa hobane ke ne ke nahana hore dimela tse phelang metsing ha di na thuso, ke sa lemohe hore reisi e tswa dimeleng. Ke ananela nnete ya hore Grain SA e etetse sekolo sa rona hobane ba re rutile tse ngata ka temo. Ke a o leboha, Grain SA, ka ho re fa tsebo ena."
"Ke ithutile tse ngata ka dihlahiswa hore di tswa hokae, le hore ho etsahetse eng hore di be moo di leng teng. Re ithutile ka bohlokwa ba diphoofolo le dimela ho rona le tseo re di unang ho tsona. Re boetse ra ithuta hore ha dijo di etswa mafapheng a tlase, di fetisetswa ho a mang ho fihlela qetellong di eba dihlahiswa tse phethahetseng. Di boetse di re fa diminerale le tshwele."
"Ke nnete, ho bile hotle hobane ke ile ka ithuta tse ngata ka temo. Ke motho ya hlomphang, ya utlwisisang, mme ka baka la ketelo ena ke ithutile tse ngata ka temo, mme ke sa ikemiseditse ho etsa jwalo. Ho bile hotle. Ke tla rata ho etsa temo, mme ke a dumela hore e na le menyetla e mengata ya mesebetsi. Ke tla rata haholo ha mokwetlisi wa Grain SA, Me A. Thomas, a ka nkaraba. Eseng feela sekolong sa rona, empa sena e dule e le taba tse monate le dikolong tse ding."
"Ke nnete, ho bile molemo ho rona hobane re rutwa tsa temo mabapi le nako e tlang. Puisano ena e re thusitse ho bona ka moo temo e leng bohlokwa ka teng mabapi le dijo, diaparo, dieta le eneji. Ba boetse ba re kgothaletsa ho dula re le tseleng ya temo".
"Ke nnete, e re file lesedi hore dijo tseo re di jang di tlile jwang le hore di entswe jwang. E boetse ya etsa hore re bone lehlakore le leng la temo hammoho le melemo ya yona. Re fumane lesedi la hore diaparo tsa rona di entswe jwang le ho fihla jwang ho rona".
"Ke nnete, kajeno ke a lemoha hore 90% kapa ho feta ya dintho tseo re di sebedisang letsatsi le letsatsi di tswa temong. Re batla re sa tsotelle dintho tseo re di jang, diaparo tsa rona, mme hangata ha re ananele tseo boholo ba balemi ba re etsetsang tsona. Mosebetsi o boima wa balemi, le diphofolo tse bolawang hore re fumane nama, di-handbag tse etswang ka letlalo hammoho le boya. Ka hoo, e bile monyetla o moholo le tlhompho e kgolo ho rutwa le ho hopotswa dintho tsena ke Grain SA. Le rona re tshwanetse ho hlokomela dintho le ho fokotsa tshilafalo hobane e mpe naheng ya rona."
"Ketelo e bile molemo ho nna, mme ke dumela hore boholo ba sekolo bo ikutlwa jwalo, mohlomong kaofela ha rona. Ke ithutile tse ngata ka ketelo ena, ka ho qolleha, hore ditlhoko tse ngata tsa batho di tswa indastering ya temo. Ketsahalong ya ditoropong le kgolong ya palo ya setjhaba, temo ke borokgo pakeng tsa mapolasi le metsesetoropo. Temo ke sepotlakisi tlhahisong ya dijo lefatshe kaofela. Diaparo boholo ba tsona bo angwa ke tlhahiso ya temo. Re lebelletse ketelo e hlahlamang!"
"Ke nnete, ho bile jwalo hobane ke ithutile hore mekgahlelo e mengata temong. DVD e kgonne ho hlalosa haholo ka mekgwa e natefelang. E bontshitse hore ho teng mehlodi e mengata e molemo, mme jwalo ka batho re lokela ho e ela hloko. Re motlotlo ruri ha re ena le batho ba nang le nako le rona, ho re lemosa ka dintho tseo re di lebelletseng ketelong e tla hlahlama."
"Ho jwalo, ho bile monate, ha eba bohlokwa. Nna ka bonna ke hlompha seo ke se jang le moo se tswang teng. Ke leboha ha le re fahlollotse ka tsebo ya lona, e bile monyaka o moholo. Tswelang pele ho etsa jwalo hobane sena ke nyakallo ho rona."
Ho jwalo, ke dumela hore rona re le batho re kgella fatshe dintho tsa temo. Ha ke eso nahane ka dintho tseo ke di utlwileng kajeno. Jwale ke a tseba hore dihlahiswa tse kang di-cornflakes ha di hlahe feela ha bonolo jwalo ka ha re ne re nahana. Ke nako hore jwale re ke re shebe tlhaho ka ihlo lesele, ka mokgwa o motle. Tswelang pele ka mosebetsi o motle.
<fn>PulaImvula. SclerotiniaOpot.2009-04.st.txt</fn>
Photo 1: Mohlodi wa dimela tse kobehileng tse supang mehato e fapaneng ya ho tswela pele ha ho kang seso le ho senyeha. Ela hloko black sclerotia le white mycelium. Kutu e phetseng hantle e ka leqeleng.
Photo 2: White mycelium karolong e tlase ya semela se kobehang.
Photo 3: Sclerotia ka hara karolo e bonojwana karolong e tlase ya semela se kobehang.
Photo 4: Ho bola mahareng a kutu.
Photo 5: Ho bola hlohong - matshwao ana a ba teng pele ho foforeha ha hloho ho simolla.
Photo 6: Saekele ya bolwetse - ho bola ha hloho le ha bohare ba kutu.
Sengolweng sena re tla ke re tadime ka ho teba bo bong ba malwetse a bohlokwa ka ho fetisisa a amang soneblomo - malwetse a Sclerotinia.
Malwetse a mararo, Sclerotinia (wilt) e putlamisang, e bodisang kutu mahareng, e bodisang hloho, a a tsebahala masimong. Sclerotinia e putlamisang e bakwa ke mobu o jereng dibopuwa tsa bolele tse bitswang sclerotia e tshwaetsang metso ya soneblomo. Sclerotinia e putlamisang e hlakile, mme e fapane le mefuta ena e mmedi hobane e simolla ka metsong. Sclerotinia e bodisang hloho le e bodisang bohare ba kutu di bakwa ke disele tse ikarohanyang le disele tse jarwang ke moya. Ke malwetse a ka hodima mobu, a nang le tswelopele e tshwanang ya bolwetse. Ka boraro ba ona, malwetse ana a bakwa ke kokwanahloko e le nngwe, Sclerotinia sclerotiorum, bolele (fungus) bo nang le tshenyo e kgolo, e leng bolele boo hangata bo bitswang bolele "bo bosweu". Bona ke bolele bo tshwanang, bo bakang bolele bo bosweu ba dinawa tsa soya, dinawa tse ommeng, canola hammoho le dijothollo tse ding tse ka hlaselwang ha bonolo.
Sclerotinia e putlamisang e ba teng hohle moo soneblomo e lengwang teng mobung o hahlametsweng ke Sclerotinia, mme e ka baka tahlehelo e mpe haholo. Masimo kaofela a se a sentswe ke kokwanahloko ena. Tahlehelo ya kuno e itshetlehile ka palo ya dimela tse tshwaeditsweng, le hore di tshwaeditswe neng; boholo ba palo ya dimela tse tshwaeditsweng le ho tshwaetswa e sa le pele, ho kgema mmoho le tahlehelo e phahameng ya kuno. Ho ya ka palohare, semela se tshwaeditsweng se fana ka kuno ya 50% ya semela se phetseng hantle. Hape, mothamo wa oli ya peo o a fokotseha dimeleng tse tshwaeditsweng. Ka ho lekana, le ha ho le jwalo, tshwaetso e kgannela mehatong e eketsehileng ya Sclerotinia mobung. Sena se ka qetella ka phediso ya tlhahiso ya soneblomo masimong ka dilemo tse ngata. Sclerotinia ka baka leo, ha e fokotse feela kuno, empa e ama tlhahiso ya nako e tlang le phahamiso ya ikonomi ka soneblomo.
Ho bola ha hlohong le ha bohareng ba kutu ho etsahala mona le mane, mme le teng ho latela dinako tsa maemo a metsi a lehodimo. Malwetse ana a lemohuwa ka sewelo nakong ya dilemo tsa komello. Ho bola ha hlohong ho fokotsa boima ba peo le palo ya peo, mme ho theola mothamo wa oli. Boteng ba sclerotia peong ho ka nna ha fokotsa kereiti le boleng ba mmaraka ba sejothollo. Dihloho tse tshwaeditsweng hangata di a aroha masimong, e leng se qetellang ka dipeo tse wang mobung. Ho feta mona, ha motjhine o kotulang (combine) o thula dimela tseo dihloho tsa tsona di tshwaeditsweng, dihloho di a qhalana, mme peo e lahleha pele e kena motjhineng wa combine. Ho bola ha hlohong ke qaka e ikgethileng masimong a tlhahiso ya peo hobane dipeo tse hlahiswang ke dihloho tse tshwaeditsweng ho ka nna ha etsahala hore ebe di fokoditse ho mela ha peo, mme sclerotia e hlahisitsweng dihlohong tse tshwaeditsweng e na le tshwaetso e mpe diratswaneng tsa peo, mme hona ho ama mesebetsi ya ho hlwekisa le ya tiisetso. Ha ho tjhefo e hlahiswang ke Sclerotinia peong ya soneblomo, empa tshwaetso e matla haholo ya sclerotia e tadingwa e le e sa amoheleheng ho ka sebediswa ke batho le diphoofolo. Sephetho se seng sa bohlokwa sa malwetse ana a mabedi ke hore ke mokgwa wa sehlooho oo ka ona bolele bo kenang masimong a hlwekileng a soneblomo. Sena se etsahala ha sclerotia ho tswa dikutubg le dihlhohong tse tshwaeditsweng e kenyeletswa mobung. Sclerotia tsena di ka baka ho putlama dilemong tse hlahlamang.
Matshwao a tlwaelehileng haholo ke ho putlama ka tshohanyetso ha mahlaku, ho bola ha metso le dikutu ka hodima mobu eka diso. Ka kakaretso, ho putlama ho lemohuwa masimong pele dipalesa di hlaha, empa dimela tse tshwaeditsweng tsona di ka lemohuwa boemong ba ha peo e hlaha. Qalong, dimela tse putlameng di phatlalla le masimo, empa ha morao di fumanwa di ipopile ka dihlotshwana ka hara mela. Bolwetse bona hangata bo hlahella e le dibatobato ka hara masimo. Hobane dimela di kgona ho putlama nakong ya dibeke tse mmalwa ho tloha nakong eo di hlaselwang ka yona, tshimoloho ya matshwao e hlahella ka potlako.
Ho kang leqeba le mommeng metsi ho simolla ho ba teng karolong e tlase ya semela ka hodima mobu. Leqeba le ba bophutswa bo botala ho isa bosoothong, mme le bonahala eka le jere kutu. Ha tshenyo e ntse e tswela pele, kutu e a sweufala, mme e ba le ponahalo ya metjeketlana. Karolo e senyehileng e ka nna ya eketseha mohato o ka etsang leoto kapa ho feta ho nyolosa le kutu. Karolo e hare e senyeha karolong e tlase ya kutu, mme ho ba teng dinthonyana tse thata, tse ntsho, tse sallang, tse bitswang sclerotia (di ka ba 1/8 ho isa ho 1/4 diameter). Malwetse a sclerotia a bakwa ke kokwanahloko, mme a fana ka boitotobatso bo hlakileng ba bolwetse. Dimela tse tshwaeditsweng di putlama hara metsi ha bonolo. Nakong ya dipula, bolele bo bosweu hangata bo ba teng tlase moo kutu e simollang teng ka hodima mobu, ke ka hoo e bitswang "bolele bo bosweu".
Ho bola ha metso e lebang ka mahlakoreng hammoho le motso o moholo ke ntho e totobetseng, ka ha hangata semela se ka nna sa fotholwa mobung ha bonolo. Ho bola ha (cortex) letlalo le ka ntle la motso le tloha ha bonolo, mme le siye dikarolo tse kang methapo kapa dikgwele. Metso hangata e na le ho bola ho sa fetoheng. Sclerotia e ka nna ya fumanwa metsong e meholwanyane, e ka mathoko ho motso o moholo hammoho le motso o moholo, o yang fatshe.
Dimela tse tshwaeditsweng di a shwa qetellong. Semela se ka nna kapa sa se ke sa hlahisa peo, e leng se laolwang ke hore tshwaetso e simollotse neng. Dihloho dimeleng tse putlamang hangata di nyane ho feta tsa dimela tse phetseng hantle. Dimela tse putlameng, maemong a seng a tswetse pele haholo a ho bola ha metso, hangata di a fefoleha nakong ya meya e fokang ka matla.
Ho bola ha kutu mahareng ho lemohuwa hangata nakong tsa kapa ka mora ho etsa dipalesa, e leng bohareng ho isa ka hodimo ho bohare ba kutu. Ho simolla e le leqebanyana le leputswa le mommeng metsi, ka tlwaelo hangata leqhutsung la lehlaku kapa haufi le lona. Ho kang seso ho tswela pele ho potapota le kutu, mme karolo e senyehileng (bodileng) hangata e ba metsi, mme e ba mongobo o kang seretse. Hangata kutu e wela fatshe ntlheng eo ho yona ho bola ho leng teng, mme dikarolo tsohle tse ka hodima seso di a shwa. Hangata bolele bo bosweu bo teteaneng hammoho le sclerotia di tla hlaha ka hare le ka ntle ho kutu, haholoholo nakong tsa sehla sa metsi a mangata. Qetellong dikarolo tse amehileng di a sweufala le ho shebahala jwalo ka mafoforetsane. Ho bola ha kutu ho ka nna ha tswela pele ho lebile tlase mothehong wa kutu kapa ha leba hodimo hlohong. Ka nako tse ding lekala le ka nna la tshwaetswa ke Sclerotinia, mme ebe le bolele bo bodisa lekalana le hokantseng lehlaku le kutu, ebe ho bola ho qetella ho fihlile kutung moo jwale re seng re bua ka ho bola ha kutu mahareng.
Matshwao a pele a ho bola hlohong hangata ke boiponahatso ba karolo e tshweu e kahare ya bolele e holang hodima dikarolo tsa dipalesa kapa ho hlaha ha dibatobato tse mommeng metsi hodima sekgakeletsi (karolo e tobotobo ya hloho). Bolele bo hola haholo ka hara sekgakeletsi, bo a se diehisa, mme bo hlahise karolwana e ka harehare ya bolele hammoho le di-sclerotia tse ngata, tse kgolo, tse ntsho. Sekgakeletsi hangata se a sweufala, mme se itotobatsa ha bonolo hlohong e phetseng hantle. Sekgakeletsi kaofela ha sona se ka nna sa bola, mme lekgapetla la peo le a wa, mme ebe ho itshalla feela ho kang kgaketla e tsweu, e foforehang, e nang le dihlopha tsa methatswana, tse tswakaneng mona le mane le sclerotia tse kgolo. Dihloho tsena tse tshweu tse kang kgaketla di bonahala ha bonolo masimong, le ha motho a le hole. Ha di kotulwa, dihloho tse tshwaeditsweng di a pshatleha, mme peo kaofela e setseng, e a lahleha. Nakong ya sehla sa pula, bolele bo hola ka hodima peo, ebe bo bopa ho kang letlowa la sclerotia le ka kupetsang karolo e ka pele ya hloho. Dipeo hangata ha di senyehe, empa tse ngata ha di be teng. Sclerotia tse kgolo, tse fumanwang hlohong di kotulellwa mmoho le dipeo. Sclerotia e tswakaneng le peo ke tiiso ya hore masimo a bile le ho bola ha hlohong. Ho bola ha hlohong ke bothata bo hlokolosi masimong a hlahisang peo. Ntle le tlhahiso e fokotsehileng ya peo, karolo e ka ntle ya dipeo e ka nna ya hlaselwa ke bolele ba Sclerotinia, mme sephetho ha ho le tjena, ke phokotseho ya ho mela ha peo.
Sclerotinia sclerotiorum e na le tshebetso e batsi, e fapaneng haholo; e hlasela mefuta e ka bang 370 ya dimela. Bolwetse bona bo se bo ile ba lemohuwa dimeleng tse kang, soneblomo, dinawa tse ommeng, dinawa tsa soya, hammoho le canola; le ha ho le jwalo, dijothollo tse ding tse ngata di hlaselwa ha bonolo; tsona ke buckwheat, borage, lentils, dierekisi, ditapole, mosetareta, crambe, Jerusalem artichoke le safflower. Ha se dijothollo tsena tsohle tse hlaselwang ke Sclerotinia jwalo ka soneblomo, mme tse ding di hlaselwa ka sewelo.
Sclerotinia nakong tsohle tsa mariha e le sclerotia mobung kapa dimeleng tse lahlwang. Nakong ya hlabula ha metso e holang ya soneblomo e thetsana le sclerotia, sclerotia e a mela, mme ebe e hlasela metso. Bolele bo kenella motsong o hlasetsweng, ho ya fihla motsong o moholo o lebileng fatshe, ebe bo kenella kutung, qetellong semela se a shwa. Bo boetse bo kenella metsong e lebileng ka mathoko, mme qetellong methapo yohle e a hlaselwa. Hobane metso ya dimela tse bapileng meleng e kgona ho thetsana, bolele bo kgona ho tloha methapong ya semela se seng ho ya metsong ya se seng. Sena se qetella ka ho baka ho putlama ha dimela. Dimela di ka nna tsa putlama nakong ya beke tse pedi ho isa ho tse nne hang ha tlhaselo e se e kene. Nako ya ho tloha matshwaong a ho putlama ha pele ho isa ho putlameng ho phethahetseng e ka nna ya eba matsatsi a mane ho isa ho a supileng. Ho potlaka ha ketsahalo ya ho putlama ke lebaka le leholo le etsang hore masimo a tadimehang a le matle a putlame kapele ha bolwetse bona bo kene nakong ya dibeke tse mmalwa feela.
Soneblomo ke sona sejothollo feela se hlaselwang kgafetsa ka metso ke Sclerotinia. Dijothollo tse ding tsona di hlaselwa haholoholo ka masobana dikarolong tsa semela tse ka hodima mobu. Ena ke yona phapang ya sehlooho pakeng tsa disoneblomo le dijothollo tse ding.
Ha bolele bo ntse bo hola ka hara semela le hodima sona, eba bolwetse ba sclerotia bo a kena. Boholo bo hlaha dikarolong tse ka hare, tse bodileng, tsa dikutu hammoho le metsong ha semela se eshwa. Ke sclerotia tse ka bang pakeng tsa tse 25 ho isa ho tse 100 tse ka hlahiswang ka hara semela se hlaselwang kapa hodima sona. Sclerotia tsena di kgutlisetswa mobung nakong eo ho phetholwang mobu ka yona, mme sena se fetoha mohlodi wa tlhaselo kgahlanong le dimela tse tla hlahlama. Malwetse a sclerotia a dutse nako e telele mobung, mme masimo a dula a hlasetswe dilemong tse ngata. Potso eo balemi ba bangata ba e botsang ke hore, sclerotia e tla dula e le teng masimong ho fihlela neng Ka bomadimabe ho boima ho araba potso ena hobane masimo a fapane ka dintho tse amang boteng ba sclerotia, e leng mofuta wa mobu, mongobo wa mobu hammoho le nalane ya dijothollo. Dintlha tsena di ama organisms (diphedi tse nyane) tse mobung, tse fedisang sclerotia. Ho tswela pele ha bolwetse bona ho itshetlehile hape le palong ya sclerotia mobung. Ha palo ya sclerotia e phahame mobung, sclerotia e tla nne e tswele pele. Masimo a hlasetsweng haholo ke malwetse ana a tla hloka dilemo tse ngata moo ho tla lengwa dijothollo tse sa hlaselweng ke malwetse ana e le hore bongata ba ona bo fokotswe, mme bo be boemong bo tlase?
Soneblomo e na le metso e mengata e lebang ka mahlakoreng. Metso ena e mengata karolong ya mobu e phetholwang. Sena se kgothaletsa haholo kamano le sclerotia. Metso ha e so tswele pele ka ho phethahala ha e se ha dipalesa di le teng, mme nakong eo, metso e thetsana haholo le dimela tse bapileng, mme sena se potlakisa tshwaetso ya kokwanahloko ho tloha semeleng se seng ho ya ho se seng. Hape, ho tsofala ha metso ho simolla ka mora dipalesa, e leng nakong eo metso e hlaselwang haholo. Ana ke mabaka a sehloho a arabelang potso ya hore hobaneng boholo ba dimela tse putlamang bo bonahala ka mora ho hlaha ha dipalesa.
Masimong a hlasetsweng, dimela tsa pele tse putlamang hangata di tla bonahala nakong ya matsatsi a 40 ho isa ho a 50 hoba ho jalwe, empa boholo ba dimela bo putlama ka mora ho hlaha ha dipalesa. Tse ding di tla be di putlame le pele di oma.
Taolo e bohlokwa ka ho fetisisa ya malwetse a Sclerotinia soneblomong ha se ho jala mobung o hlasetsweng le ho thibela keketseho ya sclerotia mobung. Thibelo ya keketseho e etswa haholoholo ka ho dula o beile bolwetse leihlo masimong ho bona eba bolwetse bona bo ka hlahisa hloho hammoho le ho fetola tatelano ya dijothollo. Hopola, masimo a nang le tlhaselo e ngata haholo e ka baka hore tlhahiso ya soneblomo e be siyo ka dilemo tse ngata. Ka ha boteng ba ho bola ha kutu le ha hloho bo eba teng mona le mane, taolo ya bolwetse e shebane haholo le taolo ya ho putlama. Nakong ya jwale, ho ba kgahlanong ha semela ha se mokgwa wa sehlooho wa taolo. Ho teng, le ha ho le jwalo, phapang mohatong wa tlhaselo ya mabasetere ke Sclerotinia. Hape, ha ho dikhemikhale tse ngodisitsweng mabapi le taolo ya ho putlama kapa tlhaselo ya soneblomo e kenang ka masobana.
<fn>PulaImvula. Seeds(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Nako ya kotulo e ntse e atamela, mme ho sa le teng masimo a mangata a tletseng mahola. Jwalo ka ha re ile ra qoqa hangata nakong e fetileng, mahola ke sera sa molemi.
E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo ke taolo ya mahola. Boteng ba mahola dijothollong bo ka ba kotsi ka mekgwa e mengata, haholoholo tahlehelong ya dijothollo le kgahlamelong e mpe ya peo. Ka baka la leqeme la dijothollo tse jewang ke lefatshe, re sitwa ho amohela taba ya hore poone e lahluwe ka baka la kgahlamelo e mpe ya peo mahola. Mahola a peo ya khakhi ha a lokela ho dumellwa pooneng ka ha a baka monkgo o mobe ho batho le ho diphoofolo. Ho ya ka ntlafatso ya dimela le melao ya tlhweko ya peo, dipeo tse ding ho hang ha di a dumellwa pooneng. Ho ya ka melao ena, mohlala, ha ho a lokela ho ba teng le ha e le peo e le nngwe ya olieboom (datura) qubung ya poone. Datura e tjhefo haholo bathong, mme ho se ho tlalehilwe diketsahalo tsa ngata tsa tjhefo.
E nngwe ya dithuto tsa bohlokwa ka ho fetisisa taolong ya mahola ke ho fedisa sesosa sa kgahlamelo kapa tshwaetso e mpe. Poone e sa hahlamelwang ke pontsho ya hore tsamaiso e bile ntle, mme e ntse e tswela pele sejothollong sa poone ho ena le tlhaselo ya nako e itseng feela ya taolo ya mahola.
Tshebediso ya mekgwa e metle ya taolo ya mahola, e leng ho laola mahola tshimolohong ya sehla, e thibela tlhodisano le semela ka ha ka bobedi di lwanela mongobo le menontsha.
Haeba taolo ya mahola tshimolohong ya sehla e sa ka ya ba e lekaneng, mahola a tshwanetse ho kgaolwa le ho tloswa masimong pele ho kotulwa.
Haeba mahola a maholo a tloswa ha a se a entse peo, keletso ke ho a tjhesa hore o a thibele ho mela sehleng se tlang.
Hopola hore sejothollo se setle se bolela peo e ngata - e hlwekileng!
<fn>PulaImvula. Shortcuts(maize).2011-07-07.st.txt</fn>
Photo 1: Plantere ya no-till ya mela e mmedi tshebetsong. Sheba bokahodimo bo sa phetholwang.
Photo 2: Masalla a dijothollo ka hodima mobu ke ntlha ya bohlokwa ya Temo ya paballeho (TP). Theo Msimanga, molemi wa Diekeng ho la Mpumalanga o hlahloba poloto ya teko pele a jala. Ela hloko sebaka se hlokang mahola le masalla a dijothollo ka hodima mobu.
Photo 3: Mohlala wa plantere ya kgale e fetotsweng hore e etse mosebetsi wa ho jala ka mokgwa wa no-till.
Photo 4: Johannes Simelane ke molemi lebatoweng la Balfour ho la Mpumalanga, o lema dihekthara tse 300 tsa poone. O se a ntse a etsa diteko tsa hae ka dintlha tse ding tsa TP.
Grabber 1: Temo ya paballeho e reretswe ho boloka molemi a le masimong.
Grabber 2: TP ke mokgwa o hlokang mohato o phahameng wa tsamaiso, mme ho fetohela mokgweng o motjha wa TP ruri ha se thaka motho, ho ke ke etsahala ntle le mathata.
Temo ya paballeho ke taba e ntjha ho balemi ba bangata ba dijothollo Afrika Borwa. Lengolong lena, bala ka seo balemi ba tswetseng pele ba se bolelang ka temo ya paballeho le mehato eo balemi ba tshwanetseng ho e latela hore ba kgeme mmoho le mokgwa ona o motjha wa temo ya dijothollo.
TP e fupere dife?
Ho a tsebahala hore boholo ba balemi bo sebedisa mokgwa wa kgale, wa tlwaelo wa ho lokisa mobu, mme mohoma wa sekara (mouldboard) e ntse e le sona sesebediswa se sebediswang haholo masimong. Hangata balemi ba itemela poone feela, ha ba tsotelle ho fapantsha dijothollo tsa bona le tse ding tse kang dinawa le soneblomo. Tshebediso ya mohoma wa sekara ka dilemo tse ngata kajeno e tadingwa e le mohlodi wa sehlooho wa ho theola boemo bo botle ba mobu.
Ho baka phokotseho ya diphedi (micro-organisms) tsa bohlokwa tsa mobu.
TP ke mokgwa o ntsheditsweng pele ho tshireletsa mobu, ho ntlafatsa boleng ba mebu le ho kgutlisetsa mobu boemong ba ona ba pele, bo botle, ba monono. Mokgweng wa TP molemi o tshwanetse ho sebedisa boleng le molemo ohle wa dijothollo phapantshong le poone. Tlhahiso ya dijothollo tse ngata e thusa ho fokotsa dikotsi tse ngata tse shebaneng le molemi. Hopola mantswe a reng "se ke wa kenya mahe a hao kaofela ka manking o le mong".
Re tshwanetse ho tseba hore TP e fupere tse ngata ho feta mokgwa wa no-till kapa wa ho phethola mobu wa paballeho.
Mobu o tshwanetse ho tshwenngwa hanyane ka moo ho kgonahalang ka teng. Hona ho bolela ha ho phetholwe mobu kapa ho sebedisa tetse, le hore ho lema ho etswa ke plantere e kgonang ho jala ka ho otloloha mobung o sa etswang letho.
Masalla a dijothollo a sala hodima mobu. Ka mokgwa ona, masalla a thusa ho tshireletsa mobu ka hohle ka moo ho kgonahalang ka teng.
Phapantsho ya dijothollo, ho kenyelleditswe dijothollo tse kang dinawa le dierekisi, e fetoha karolo ya mokgwa wa tlhahiso.
Ba reng balemi ka TP?
Tjhebokakaretso e entsweng hara balemi ba ntseng ba tswela pele Mpumalanga, Limpopo le provenseng ya North West e bontshitse hore balemi ba kgotsofetse ka melemo ya TP, empa le hoja ba kgotsofetse, ba boetse ba lemohile dikgaello tsa TP jwalo ka ha ba di bona.
TP e ka thusa ho thibela kgoholeho ya mobu.
TP e ka thusa ho boloka ditjeo tsa metjhine.
Tshebediso ya taolo ya mahola ka dikhemikhale e ka thusa ho boloka ditshenyehelong tsa nako le tsa mosebetsi.
Boteng ba mefuta ya peo ya Roundup Ready bo ka nolofatsa taolo ya mahola.
Ho kenyeletswa ha dijothollo tsa mofuta wa monawa tse kang dierekisi kapa dinawa tsa soya ho ka thusa ho ntlafatsa monono wa mobu.
Tlhoko ya tjhelete ya ho simolla, jwalo ka mohlala, tshebediso ya plantere ya no-till bakeng sa ya sejwalejwale, e sa ntse e le bothata bo boholo ho balemi ba bangata. Theko ya jwale ya diplantere tsa mela e mmedi tsa no-till e fapana pakeng tsa R50 000 le R80 000 plantere ka nngwe.
Balemi ba bangata ba sa ntse ba itshetlehile ka masalla a dijothollo a ka sebediswang ke mehlape, mme masalla a poone haholoholo a tadingwa e le furu. Balemi ba boetse ba bile le pelaelo mabapi le ho fumaneha ha se nepahetseng, se ka tshireletsang mobu haholoholo nakong tsa dihla tsa komello ha kuno ya dijothollo e le tlase.
Ka ho hlaka balemi ba boletse hore ba sitwa ho ipeha kotsing ya kuno e tlase ya dijothollo ka baka la ho kengwa tshebetsong ha mokgwa ona o motjha wa tlhahiso. Tahlehelo ya kuno e ka nna ya ba teng nakong e kgutshwane, e leng taba e ba nyahamisang ho fetohela mokgweng wa TP.
Balemi ba ratang mokgwa wa TP ba ka thuswa jwang?
Ha ho shejwa dikotsi kaofela tseo balemi ba shebaneng le tsona, balemi ba tshwanetse ho kgodiswa hore mokgwa ona o motjha o ka nna wa sebediswa ka katleho. Diteko tsa selehae tse etswang masimong di ka fana ka "phaposi" ya bohlokwa e ka ba kenyang mekgweng ya TP papisong le mokgwa wa sejwalejwale o ntseng o sebediswa.
Balemi ba tshwanetse ho kgothaletswa ho fetola disebediswa tseo ba ntseng ba di sebedisa jwale, tse kang diplantere, hore e be diplantere tse ka sebedisetswang temo ya minimum-till (ho phetholwa ho honyane ha mobu) kapa no-till (ho se phethole ho hang). Brazil, mohlala, balemi bao e neng e le bopulamadiboho ba ne ba sa kgone ho reka metjhine e tswetseng pele. Ka baka lena, ba ile ba qala ka ho fetola tsona diplantere tsa bona tsa sejwalejwale hore e be tsa no-till. Ena e bile tshimoloho ya "Phetoho ya no-till" ya dilemo tsa bo1970 naheng eo.
Ho sa le tse ngata tse tshwanetseng ho etswa ho kwala sekgeo se teng pakeng tsa balemi ba ntseng ba tswela pele le dikgwebo tsa agribusiness tse shebaneng haholo le TP.
Le hoja balemi ba bontshitse hore dijothollo tsa mofuta wa monawa di ka ntlafatsa mekgwa ya bona ya tlhahiso ya dijothollo, ba sa ntse ba haellwa ho atolosa temo ya monawa. Sena se bakwa haholoholo ke ho sitwa ho finyella ho barekisi ba dipeo, mme mabapi le dierekisi, teng ke bosiyo ba mmaraka o tshepahalang wa sejothollo sena. Mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho tshehetsa balemi hore ba fumane boleng le molemo wa dijothollo tsa mofuta wa monawa phapantshong ya dijothollo, ke ho ntlafatsa mekgwa ya phepelo ya peo le ho etsa menyetla e metle ya mmaraka ya molemi.
Balemi ba tshwanetse ho kgothaletswa ho lema dijothollo tseo e leng dijo tsa diphoofolo, mme sena ba se etse masimong a fapaneng. Mofuta wa mabele a tswekere o lengwang lehlabula kapa Japanese radish le habore e lengwang mariha, di ka thusa haholo ka furu mohlang ho leng hobe. Ka mokgwa ona, balemi ba tla kgona ho boloka mobu o tshireletsehile ka ha ba sa itshetleha haholo ka masalla a dimela jwalo ka mohlodi wa furu.
Dula o hopola hore metheo ya tlhahiso ya dijothollo ka mehla e tshwanetse ho etswa ka nepo. Pele ho mohato ofe wa ho fetohela mokgweng wa TP, balemi ba tshwanetse ho pshatla lekgapetla le thata le bakwang ke mohoma, le ho fedisa ditlhaselo tse kgolo tsa mahola a kang coach grass. Leka ho fumana keletso baleming ba nang le boiphihlelo ba TP. Qetellong, itlamahanye le ba ikemiseditseng ho tshehetsa balemi ba tadimang TP e le mokgwa o mong o ka latelwang. Ka mokgwa ona, o ka nna wa sibolla hore TP ke sona senotlolo sa hosane sa temo e molemo.
<fn>PulaImvula. SoilWheat.2009-06.st.txt</fn>
motjhine o lekanyang botebo (penetrometre).
Photo 2: Nepahalo tlhahisong ya koro - ela hloko tswelopele ya metso.
Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa e lokelang ho elwa sedi ha ho lekolwa mobu tlhahisong ya koro ke mokgwa oo metsi a ka nnang a itshwara ka ona mobung oo.
Mobu o ka hodimo o dumellang ho monyela ho hotle.
Ha metsi a le mangata a bolokilweng mobung, koro e kgona ho nka nako e telele ho hola ntle le kgatello ya ho hloka metsi.
Metsi mobung a bolokwa mapatsong a pakeng tsa dikarolwana tse thata tsa mobu jwalo ka ha ho etsahala sepontjheng. Dikarolwana tse nyane tsa mobu, ha di bopehile ka mokgwa o tshwanang o lekanang, mapatso a pakeng tsa tsona le ona a tla ba manyane. Mobung wa letsopa dikarolwana tsena di bopehile ka mokgwa o tshwanang o lekanang, mme di matahane hammoho.
Mobu wa letsopa o nka nako ho monya metsi, mme ka hoo ho boima hore semela se ka fumana metsi mobung o jwalo. Mobu wa lehlabathe o na le mapatso a maholo pakeng tsa dikarolwana tsa mobu, mme ka baka lena, metsi a kgona ho monyela kapele. Ka baka lena, mobu wa letsopa o phakisa ho oma. Metsi a sitwa ho kenella ha bonolo mobung wa letsopa. Ka baka lena, dimela di fumana bothata ho fumana metsi. Mobu o lehlabathe haholo kapa o letsopa haholo ha o a lokela tlhahiso ya koro.
Mabatoweng a komello e kgolo, mebu e loketseng ho boloka metsi ke e letsopa le pakeng tsa 15% le 30%. Le ha ho le jwalo, mebu e lehlabathe (e letsopa le ka tlasa 15%), e nang le tshitiso ya ho monyela ha metsi botebong ba 750 mm (jwalo ka ya sebopeho sa Avalon), e ka boloka metsi a mangata ho feta e lahlehelwang ke metsi ha bonolo ya lehlabathe, mme e bonahetse e le mebu e metle ya koro mabatoweng a ommeng.
Botebo ba mobu boo metso e ka bo sebedisang hantle ke ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa, e amang bongata ba metsi a leng teng. Ha botebo ba mobu bo eketseha, le boholo (volume) ba mapatso a loketseng bo a eketseha, mme ka hoo, le mothamo wa metsi a fumanehang o a eketseha.
Makgapetlala a mobu a sitisang ho kenella ha metso mobung. Ana a kenyeletsa makgapetla a mafika kapa a lejwe, kapa makgapetla a thata, a letsopa, le makgapetla a teteaneng a kang lekgapetla la mohoma le ka nnang la eba teng mebung ya lehlabathe.
Makgapetla a ka nnang a qwela metsing nakong ya sehla sa metsi.
Makgapetla a nang le tshitiso ya dikhemikhale. Mohlala wa sena ke esiti ya mobu o ka tlase. Mebung e ka tlase, e nang le esiti e ngata, ho nama ha metso ho a sitiseha le hoja bongata ba mebu bo ena le matshwao a lebelletsweng le bokgoni ba ho monyela ha metsi.
Mekgwa ya tlwaelo ya ho lema mobu mabapi le koro dibakeng tse ngata e kenyeletsa mekgwa e fapaneng ya ho phethola mobu. Mekgwa e mengata ya tshebetso e fapana pakeng tsa mekgwa ya kgalekgale ya ho lema ho ya mekgweng ya tshebediso ya didiski tse boima mabapi le ho phethola mobu ho simollang, ho ya tshebedisong ya mafielo (sweeps) a sephara le a masesanyane ka sepheo sa ho baballa metsi le ho laola mahola nakong eo masimo a tlohetsweng feela.
Ho phethola mobu ho baka lekgapetla le bakwang ke mohoma botebong boo karolo ya mohoma e thetsanang le mobu. Mafielo, ka lehlakoreng le leng, mefuteng e mengata ya mobu, e nang le masalla a manyane a dimela, a ka nna a baka ho hatellana ha lekgapetla le pakeng tsa 10 - 15 cm ka tlasa mobu. Ke taba ya bohlokwa ho roba lekgapetla lena pele ho jalwa. Mona ho ka sebediswa meno (tines) a loketseng (kapa tshebetso ya ho tabola) a ka kgonang ho kena tlasa lekgapetla, kapa nakong ya ho jala moo meno a plantere a loketseng, a kgonang ho roba lekgapetla lena. Tshebetso ena e kgannela tswelopeleng e phethahetseng ya metso e tshekaletseng, e leng e tla kgona ho fihlella karolo tsohle tsa mobu le ho boloka mongobo. Sena se tla nnetefatsa hore kuno e habilweng ruri e a phethahala.
<fn>PulaImvula. Soybean(opot).2011-03-14.st.txt</fn>
Dinawa tsa soya - dijothollo tsa mohlolo, masutsa a nnete!
Ho buuwa haholo ka nawa tsa soya le boleng ba tsona phapantshong ya dijothollo le poone. Jwalo ka dijothollo tse ding tse tlwaelehileng haholo lapeng, kamano ya nawa tsa sejwalejwale tsa soya le mefuta e hlaha, e holang e sitwa ho ba le bonnete bo ka tiiswang.
Re le ba Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, re hopotse ho kena lenaneong le ba Truste ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine ho kgothaletsa balemi ba thuthuhang ho hlahisa nawa tsa soya - jwalo ka sejothollo sa kgwebo, hape jwalo ka mohlodi wa selehae wa protheine e ntle ya boleng.
Soya e fapana ka ho hola le ka ditlwaelo. Bophahamo ba semela bo fapana ho tloha tlasa 20 cm ho fihlela ho 2 mithara. Dikebolwa, dikutu le mahlaku di phuthetswe ke meritshana e mesootho kapa e meputswa. Mahlaku a na le mahlakunyana a mararo lehlaku ka nngwe, mme mahlakunyana a bolelele ba 6 - 15 cm le bophara ba 2 - 7 cm. Mahlaku a wa pele peo di fihla boemong bo phethahetseng. Dipalesa tse sa itotobatsang ka ho hlaka, tse inontshang ka botsona, di jerwe ke molalana wa palesa, mme di tshweu, di pinki kapa di phepole ka mmala. Tholwana ke kutu e nang le meritshana, mme e hola e le dihlotshwana tse tharo ho isa bohlanong, kebolwa/lephotsa ka nngwe e bolele ba 3 - 8 cm, mme hangata e na le dipeo tse 2 - 4 (ha se hangata di fetang mona), di na le botenya (diameter) ya 5 - 11 mm.
Nawa tsa soya di na le boholo bo fapanang, mme ho tse ngata lekgapetla la peo le mebala e fapaneng, e kang, o motsho, o mosootho, o bolou, o mosehla, o motala, le o maqaphaqapha. Lekgapetla la nawa e hotseng le thata, le thibela metsi ho feta, le tshireletsa cotyledon le hypocotyl (kapa kokwana) kgahlanong le tshenyo e ka bang teng. Haeba lekgapetla le ka petsoha, peo e ke ke ya mela.
Hammoho, oli le protheine di etsa ho ka bang 60% ya boima ba soya e ommeng; protheine, 40% le oli, 20%. Ho setseng ke 35% ya carbohydrate le 5% ya molora. Mofuta wa peo ya soya o etsa 8% ya lekgapetla, 90% cotyledons le 2% ya hypocotyl axis kapa kokwana.
Mabapi le ho sebediswa ke batho, nawa tsa soya di tshwanetse ho phehuwa ka "wet heat" ka sepheo sa ho fedisa trypsin inhibitors (serine protease inhibitors). Nawa tse tala tsa soya, ho kenyelleditswe mofuta o ntseng o hola, di tjhefo bathong, dikolobeng, dikgohong, le diphoofolong.
Dinawa tsa soya di tadingwa ke ba bangata e le mohlodi o phethahetseng wa protheine. Protheine e phethahetseng ke e nang le bongata bo lekaneng ba esiti tsa amino tse tshwanetseng ho fumanwa ke mmele wa motho hobane mmele wa motho o sitwa ho iketsetsa tsona. Ka baka lena, soya ke mohlodi o motle wa protheine, hara tse ding, ho batho ba jang meroho feela kapa ba ratang ho fokotsa bongata ba nama eo ba e jang.
Protheine ya soya hantlentle e tshwana le ya dipeo tse ding tsa menawa (mefuta e meng ya dinawa). Ho feta mona, dinawa tsa soya di kgona ho hlahisa habedi protheine hekthareng ka nngwe ho feta moroho ofe kapa ofe kapa sejothollo sefe kapa sefe. Diprotheine tse hlano ho isa ho tse leshome hekthara ka nngwe ho feta naha e behetsweng ka thoko ho fudisa diphoofolo ho etsa lebese le ho fihla makgetlong a 15 a protheine e ngata hekthara ka nngwe ho feta naha e behetsweng ka thoko mabapi le tlhahiso ya nama. Ho jewa ha dinawa tsa soya ho ka nna ha fokotsa kotsi ya kankere ya colon.
Dinawa tsa soya ke sejothollo sa bohlokwa lefatsheng, se fanang ka oli le protheine. Ho la United States sejothollo sena se monngwa mongobo ka hexane, ebe phofo e ntshitsweng mafura (50%) e a beswa (toasted), ebe e kgona ho fepa diphoofolo tsa mapolasing (mohlala, kgoho, kolobe, letata ka mokgwa o batsi o esong bo bonwe haesale. Ke karolo e nyane feela e jewang ka kotloloho ke batho. Dihlahiswa tsa dinawa tsa soya, le ha ho le jwalo, di hlahella ka mekgwa e mengata e fapaneng ya dijo tsa mabekere.
Nakong ya Ntwa ya Lefatshe ya 11, dinawa tsa soya di bile bohlokwa North America le Yoropo haholoholo bakeng sa dijo tsa protheine le jwalo ka mohlodi wa oli e jewang. E bile nakong ena moo dinawa tsa soya di ileng tsa sibollwa e le mohlodi wa manyolo le Lefapha la Temo la United States.
Temo e atleha ditlelaemeteng tsa lehlabula le tjhesang, moo maemo a ho hola a phahameng e leng a dithemphereitjhara tse 20 ho isa ho 30 Â°C; Dithemphereitjhara tse tlasa 20 Â°C le tse fetang 40 Â°C di kgina kgolo haholo. Di ka hola mefuteng e fapaneng ya mebu ka kgolo e ntle boholong ba mebu e hohotsweng ke metsi, e nang le menontsha e metle. Dinawa tsa soya, jwalo ka mefuta e meng ya monawa, di etsa nitrojene ka ho ba le kamano le baktheria e bitswang Bradyrhizobium japonicum. Le ha ho le jwalo, diphetho tse ntle ka ho fetisisa, ente ya baktheria e nepahetseng e tshwanetse ho tswakwa le peo ya dinawa tsa soya (kapa mofuta ofe wa monawa) pele ho jalwa. Mefuta ya sejwaljwale ya dijothollo ka kakaretso e fihlella bophahamo ba ho ka etsang mithara, mme e nka matsatsi a 80 - 120 ho tloha ho jalweng ho isa ho kotuleng.
Dinawa tsa soya ke matswallwa a East Asia, empa ke feela diperesente tse 45 tsa tlhahiso ya dinawa tsa soya tse leng teng kwano. Peresente tse ding tse 55 tsa tlhahiso di Amerika. U.S. e hlahisitse 75 ya dimilione tsa ditone tsa dinawa tsa soya ka 2000, mme karolo e fetang ya boraro ya tsona e ile ya romellwa dinaheng tse ka ntle. Bahlahisi ba bang ba etelletseng pele ke Brazil, Argentina, Paraguay, China le India. Dimela tsa dinawa tsa soya di tshabana le mefuta e mengata ya malwetse a dibaktheria, a difunguse, a viral le dikokwanyana.
Dinawa tsa soya e bile sejothollo se hlokolosi Eastern Asia kgale le pele ho ngolwa direkoto. Di sa boetse di eme e le sejothollo sa sehlooho China, Japan le Korea. Pele ho dihlahiswa tse putisitsweng, tse kang sauce ya Soya, tempeh, natto le miso, soya e ne e tadingwa e halalela mabapi le ho kenyelletswa phapantshong ya dijothollo jwalo ka mokgwa wa ho lokisa nitrojene. Dimela di ne di phetholellwa ka tlase hore di fane ka sebaka sa dijothollo tsa dijo. Soya e simollotse Europo tshimolohong ya ngwahakgolo wa 18, eo kajeno e leng United States ka 1765, moo tshimolohong e neng e jalwa ka sepheo sa ho etsa dijo tsa diphoofolo. Dinawa tsa soya ha di a ka tsa eba sejothollo sa bohlokwa ka ntle ho Asia ho fihlela lemong tsa bo1910. Amerika, soya e ne e tadingwa feela e le sehlahiswa sa kgwebo, eseng jwalo dijo, ho fihlela lemong tsa bo1920. Soya e simollotse Afrika ho tswa China mafelong a ngwahakgolo wa 19, mme jwale sehlahiswa sena se aparetse kontinente kaofela.
Moholoholo wa dinawa tsa soya ke Glycine soja (e tsebilweng pele ka la G. ussuriensis), monawa wa China bohareng. Dinawa tsa soya di nnile tsa sebediswa China dilemo tse 5 000 e le dijo le karolo ya dithethefatsi. Le ha ho le jwalo, soya, ka ho ikgetha, e ile ya hlomphuwa ka baka la popeho ya tsona ya metso e le mokgwa wa phapantsho ya dijothollo. Temo ya dinawa tsa soya ka nako e telele e nnile ya eba ntho ya China feela, empa butlebutle e ile ya namela naheng tse ding.
Batho ba bangata ba boletse hore dinawa tsa soya Asia ho ya ka histori di ne di sebediswa feela ka mora tshebetso ya ho putisa, e theolang diteng tse phahameng tsa phytoestrogens e fumanwang dimeleng tse sa leng tala. Le ha ho le jwalo, mantswe a tshwanang a kang "soy milk" haesale a sebediswa ho tloha ka 82 ka mora Kreste, mme bopaki bo teng ba tshebediso ya tofu ho tloha morao ka 220.
Dinawa tsa soya di kene ho la Amerika ka 1765 ke Samuel Bowen, motsamai wa sekepe ya ileng a etela China. O ile a jala soya haufi le Savanna, Georgia, mme a ba a etsa sauce ya soya, a e rekisa Engelane. Soya e ile ya nka mohato wa bohlokwa United States ka mora World War I. Nakong ya ho wa ha moruo (Great Depression), mabatowa a ileng a otlwa ke komello a United States a ile a kgona ho sebedisa soya ho ntjhafatsa botjha mobu wa ona ka baka la bokgoni ba yona ba ho lokisa nitrojene. Ka 1932 -1933 Khamphane ya Dimotokara ya Ford e ile ya sebedisa tjhelete e kaa ka $1 250 000 diphuputsong tsa dinawa tsa soya. Ka 1935 motorokara o mong le o mong wa Ford ho ile ha kenyelletswa soya kahong ya ona. Mohlala, oli ya dinawa tsa soya e ile ya sebediswa ho penta dimotokara, hammoho le oli ya dishock absorbers. Tshebediso ya Ford ya dinawa tsa soya e butse mamati a mangata a temo le indasteri kgokahanong e matla ho feta pele.
Dinawa tsa soya ke e nngwe ya dijothollo tsa mofuta wa dijo tsa "biotech" tse ntlafaditsweng ka mokgwa wa lefutso, mme dinawa tsa soya tse jwalo di ntse di sebediswa disebedisweng tse ngata. Ka 1995 Khamphane ya Monsanto e hlahisitse dinawa tsa soya, tse bitswang Roundup Ready (RR), tse hlahisitsweng ka mokgwa wa lefutso hore di be kgahlanong le sebolayalehola sa Roundup, e leng sa Monsanto.
Ka 1997, 8% ya dinawa tsohle tsa soya tse lemetsweng kgwebo United States e ile ya ntlafatswa. Ka 2010, palo e bile 93%. Jwalo ka ho dijothollo tse ding tsa Roundup Ready, boipelaetso bo itshetlehile ka tshenyo e bang teng karohanyong. Le ha ho le jwalo, gene tsa RR di se di hlahelletse mefuteng e mengata e fapaneng ya dinawa tsa soya hoo ntjhafatso ena ka boyona e sa kang ya qetella ka phokotseho ho se bitswang "genetic diversity" jwalo ka ha ho bontshitswe phuputsong ya 2003.
Dinawa tsa soya ka kakaretso di ka hlophiswa e le meroho (jareteng) kapa masimong (oli). Mefuta ya meroho e phehwa ha bonolo, e na le tatso e mahareng, e tshwareha hantle letsohong, e meholwanyane ka boholo, e na le protheine e ngata, oli e nyane ho feta mefuta ya masimong. Tofu le balemi ba lebese la soya ba rata mefuta ya peo e nang le protheine e fumanwang merohong ya dinawa tsa soya e ileng ya tliswa United States mafelong a bo1930. Mefuta ya peo ya jareteng ka kakaretso ha e lokele ho ka kotulwa ka metjhine hobane kebolwa tsa teng di pshatleha ha bonolo ha di le boemong bo lekaneng ba ho hola.
Hara mefuta ya monawa, dinawa tsa soya, tse bileng di hlophisitsweng e le tsa peo ya oli, di hlahile ka mahetla ka baka la protheine e phahameng (38 - 45%) hammoho le oli (20%). Dinawa tsa soya di boemong ba bobedi lenaneng la diromellwakantle tsa temo ho la United States. Ka pele ke koro. Boholo ba dinawa tsa soya bo lemelwa tlhahiso ya oli, ka protheine ya yona e phahameng, le nafura a fokoditsweng, mme phofo e hadikilweng ya soya e sebediswa e le dijo tsa diphoofolo. Ke karolo e nyane feela e sebediswang ke batho.
China, Japan le Korea dinawa tsena le dihlahiswa tse tswang ho tsona, ke karolo ya dijo tse ratwang haholo. Matjhaena a ile a qapa tofu, mme hape a sebedisa mefuta e fapaneng ya paste ya soya le menoko e itseng. Korean cuisine, soybean sprouts, le tsona di sebediswa mefuteng e fapaneng ya dijo. Dinawa di ka sebetswa ka mekgwa e mengata. Mefuta e tlwaelehileng ya soya e kenyelletsa phofo ya soya, folouru ya yona, lebese, tofu, meroho e nang le protheine (TVP e etsa mefuta e mengata ya dijo tsa meroho, e meng e etsisa nama), tempeh, soy lecithin le oli ya soya. Dinawa tsa soya di boetse ke karolo ya metswako ya sehlooho tlhahisong ya sauce ya soya.
Peo ya dinawa tsa soya e na le 19% ya oli. Ho ntsha oli ya peong, dinawa tsa soya di a pshatlwa, di hlophiswa mabapi le mothamo wa mongobo, bidikoloswa hore di be sephara, mme metsinyana a ntshwa ka hexane. Oli e a hlwekiswa, e kenngwa makotikoting mabapi le mesebetsi e fapaneng, mme ka nako tse ding ho kenngwa hydrojene. Oli tsa dinawa tsa soya, tse metsi le tse kentsweng hydrojene, di romellwa naheng tse ding, di rekiswa e le oli ya meroho, kapa di qetella di sebedisitswe mefuteng e fapaneng ya dijo tse kentsweng makotikoting. Phofo e setseng ya dinawa tsena e sebediswa haholoholo e le dijo tsa diphoofolo.
Phofo ya dinawa tsa soya ke se salang ka mora ho ntshwa ha senolofatsi sa oli keboleng tsa dinawa, moo protheine e leng 50%. Phofo e a hadikwa (le hoja ho sebediswa steam haholo), mme e silwa lelwaleng la hamore. Phofo ena ya soya ke karolo ya sehlooho ya mokgwa wa tlhahiso Amerika, wa ho ruha diphoofolo tse kang dikgoho le dikolobe mabapi le kgwebo e simollotseng ka bo1930; mme moraorao tjena e bile mefuta e meng ya ditlhapi (catfish). 98% ya dinawa tsa soya ho la Amerika e sebedisetswa dijo tsa diphoofolo.
Folouru ya soya e bolela dinawa tse ntshitsweng mafura, tsa silwa hasesanyane hore di kgone ho feta sefeng ya moloho wa 100 kapa sekerineng se senyane moo hlokomelo e kgolo e nkilweng nakong ya nolofatso ka sepheo sa ho fokotsa phokotseho ya protheine le ho boloka se bitswang high Protein Dispersibility Index (PDI), mabapi le tshebetso ya ho pheha meroho e jereng protheine.
Folouru ya soya e ntshitsweng mafura e fumanwa dikeboleng tseo ho ntshitsweng senolofatsi ho tsona, mme e na le mafura a ka tlase ho 1%.
Folouru e nang le mafura e etswa ho tswa dinaweng tse tlositsweng lekgapetla, mme e na le oli ya 18% ho isa ho 20%.
Folouru ya mafura a tlase e etswa ka ho kgutlisetsa mafura folourung e ntshitsweng mafura. Dikahare tse mafura di fapana pakeng tsa 4,5% le 9%.
Folouru ya mafura a mangata e boetse e ka nna ya hlahiswa ka ho kgutlisetsa oli ya soya folourung e ntshitsweng mafura ka mohato wa 15%.
Dijo tsa bana tsa soya (SBIF) ke tsa bana ba kudiswang ke diprotheine tsa lebese la kgomo le ntshitsweng dikokwanahloko (pasteurised). Le rekiswa e le phofo, le se le loketse ho jewa feela, le le sebopehong se nonneng haholo.
Dinawa tsa soya di ka sebetswa ka metjhine ho hlahisa sebopeho le ponahalo e tshwanang le mefuta e mengata ya dijo. Mohlala, dinawa tsa soya ke karolo ya sehloho dihlahisweng tse ngata tsa lebese (mohlala, lebese la soya, margarine, soya ice cream, soya yoghurt, soya cheese le soya cream cheese) le nameng (mohlala, veggie burgers). Dikatoloso tsena di fumaneha ha bonolo mabenkeleng a mangata a disupermarket. Lebese la soya ka tlhaho ha le calcium e ngata. Bahlahisi ba bangata ba lebese la soya ba rekisa dihlahiswa tse nonneng haholo ka calcium.
Dihlahiswa tsa soya di boetse di sebediswa e le diemedi (substitutes) tsa tjeo tse tlase dihlahisweng tsa nama le dikgoho. Katoloso e ka nna ya qetella ka phokotseho ya tatso, empa mafura le cholesterol di a fokotseha. Vitamin le mineral di ka nna tsa sebediswa ho etsa hore dihlahiswa tsa soya di lekane le protheine ya diphoofolo; boleng ba protheine hajwale ka kakaretso bo se bo ntse bo lekana. Katoloso kapa kemedi ya nama e itshetlehileng ka soya, meroho e nang le protheine, ke ntho e nnileng ya sebediswa lemong tse fetang 50 e le mokgwa o bonolo wa ho atolosa nama ya kgomo ntle le ho lahla boleng ba menontsha.
Dinawa tsa soya di boetse di sebediswa dihlahisweng tsa indasteri tse kenyelletsang oli, sesepa, tse tlotsang sefahleho, resins, diplastike, enke, dicrayone, dinolofatsi le diphahlo. Oli ya soya ke mohlodi wa sehlooho wa biodiesel United States, mme e etsa 80% ya tlhahiso ya selehae ya biodiesel. Dinawa tsa soya di nnile tsa sebediswa haesale ho tloha ka 2001 e le sesebediswa se putisang ha ho etswa sehlahiswa sa mofuta wa seno sa vodka.
<fn>PulaImvula. Sprayers.2008-03.st.txt</fn>
Ditabeng tse buang ka taolo e fokolang ya mahola, Pula-Imvula ya Hlakola 2008, le leng la mabaka a kgonahalang, ao ho builweng ka ona, e bile boemo ba sefafatsi. Ho bonahala eka hona ke bothata bo atileng haholo - ka baka leo, ditaba tseo re di tshohlang mona di a hlokahala.
Tlhokomelo e nepahetseng hammoho le mekgwa ya ho boloka setorong, ha di thuse feela ditokisetsong tsa pele ho nako ya sehla, empa di boetse di ntlafatsa tshebetso ya sefafatsi, mme di bile di eketsa dilemo tshebetsong e ntle ya sona. Ho pepeswa ha nako e telele ya sona ho dibolayakokwanyana tse ngata tse fetang sefafatsing, ho ka nna ha se bakela mafoome, mme ha senya dikarolo tsa sona, pente hammoho le dikarolwana tse hokelwang mmoho. Masalla a dihlahiswa tsena a ka nna a ba kotsi ho mang kapa mang ya sebetsang ka ona kapa ya leng haufi le metjhine. Hape, mefophodi ya dibolayalehola e ka nnang ya salla sefafatsing e ka nna ya baka tshenyo dijothollong ha eba e ka fetela sehleng se hlahlamang sa ho fafatsa.
Paballeho ya hao le ya ba lelapa la hao, basebeletsi ba hao le dijothollo tsa hao, di etsa hore ho be bohlokwa hore o hlwekise ka ho phethahala sefafatsi sa hao le ho tlosa tsohle tse ka tshohang di o kudisa nakong ya sehla, pakeng tsa dijothollo, hape le pele o ilo se boloka nakong ya mariha. Hopola hore boholo ba dikhemikhale tse sebediswang temong ke ba dintho tse kotsi haholo dimeleng le/kapa diphoofolong, mme ka hoo, tsohle di tshwanetse ho etswa ka tlhokomelo e kgolo ho utlwisisa dikotsi tse amehang le ho laola maemo hantle ka moo ho kgonahalang ka teng.
Tshebetso e phethahetseng ya tlhokomelo le ya ho boloka setorong e fupere mehato e mehlano.
Pele o qala ho hlwekisa sefafatsi sa hao, eba le bonnete hore o badisisa leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisang.
E tla o bolella ka moo o ka lahlang masalla a sehlahiswa ha o qetile.
E tla o fa ditaelo tse ikgethileng tsa ho hlwekisa, tse ka hlokahalang.
E tla kgothaletsa dihlahiswa tse ka sebediswang kgahlanong le tjhefo e ka nnang ya o ntsha kotsi.
E tla o tsebisa ka ho hlaka Sesebediswa sa Boitshireletso (Personal Protective Equipment) mabapi le ho hlwekisa sefafatsi sa hao ka mokgwa wa boipaballo.
Sepheo ka ho pudutsa ke ho tlosa dibaka dife kapa dife tseo ho tsona sesebediswa se kganathetseng, tse ka nnang tsa eba ka hara sefafatsi kapa hodima sona. Sesebediswa sa ho hlwekisa sefafatsi se kenyeletsa ho tsamaisa metsi hohle ka hara sona le ho hlwekisa sebaka se boletsweng lethathamong la leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng (ka mantswe a mang, ho fafatsa metsi/motswako o hlaphollotsweng ka metsi, seo jwale re ka reng ke sepudutsi, mme sena se etswa sebakeng se baballehileng).
Ho etsa bonnete hore o hlwekisa tanka hammoho le dipeipi le melongwana (nozzles), tlatsa halofo ya tanka ka metsi a hlwekileng, ebe o kganna terekere sebaka se seng selelele haholo tseleng ya hona moo mapolasing - ho tsukutleha ho tla ba teng ho tla thusa ho fuduha metsi le ho etsa hore a qhapatsehele hohle ka hara tanka. Ho pudutsa ka makgetlo a mmalwa ka ho sebedisa karolwana (ho fihlela ho 10% ya mothamo wa tanka e fafatsang) ho molemo ho feta ho tlatsa feela tanka e fafatsang ka metsi a hlwekileng kgetlo le le leng. Kgothaletso ke ho pheta tshebetso ena ya ho pudutsa bonyane makgetlo a mararo.
Kgetha sebaka moo sepudutsi se ke keng sa silafatsa phepelo ya metsi, melatswana, dijothollo kapa dimela tse ding, le moo metsi a emeng a ke keng a eketseha, mme a qetella a bakile kotsi bathong, diphoofolong le tikolohong. O ka nna wa fafatsa ho potoloha le dintlha tsa masimo kapa ho ya jwalo le tsela eo ho tsamauwang ho yona polasing.
Nnetefatsa hore o tsholla dikahare tsa tanka ho ya ka moo leibole e bolelang ka teng. O se ke wa be se o kgorohela di-valve, mme o di bula, hobane dikahare tsa tanka di tla tsholohela fatshe. Kenya molongwana o motenya sefafatsing e leng mokgwa o dumellwang ke molao. Molongwana ona o tla thusa hore sepudutsi se tswele ka ntle kapele. Bokantle ba sefafatsi le bona bo tshwanetse ho hlatsuwa. Hape, ha o pudutsa sefafatsi, se ke wa etsa hore ho be teng dibakana tse iketsang matangwana a manyane, e leng a ka nnang a fihlellwa ke bana, dikatse le dintja, diphoofolo tse ruilweng kapa tse hlaha.
Ho lahlela thoko sepudutsi ho ya ka moo leibole e bolelang, sebedisa sepudutsi moo dihlahiswa di tshwanetseng ho ya sebediswa teng (hape, ho potoloha jwalo le dintshi tsa masimo, haholoholo moo dikhemikhale di seng di ile tsa fafatswa teng hangata ke dibaka tse ntle). Pheta tshebetso ya ho hlwekisa hoba o pudutse sefafatsi ka makgetlo a mmalwa. Etsa bonnete hore o tsholla metsi afe kapa afe a hlwekileng, a tswang ka tankeng pele o ilo boloka sesebediswa setorong, e le ho qoba tshenyo ya metsi a ka nnang a fetoha serame kapa leqhwa ka hara sesebediswa.
Ka mora ho pudutsa ha ho qetela, o ka hlahloba sefafatsi sa hao le ho etsa ditokiso kapa diphetoho tse hlokahalang ho sona. Le ha sefafatsi sa hao se se se hlwekisitswe, ka mehla sebedisa tse ka o tshireletsang (mohlala, diborele). Ho ka nna ha etsahala hore masalla a itseng a ka nna a ba teng ka hara sefafatsi kapa hodima sona.
Popeho ya kgaso e phatlaletseng ya metsi (boom structure), ho sheba ho petsoha ho tlamehileng ho lokiswa.
Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe ka ho phethahala, o ka nna wa rata ho tlosa dikarolwana tse itseng tseo o belaelang hore di ka senyeha nakong eo se beilweng setorong ka yona.
Tlosa disefe, mme o di hlatswe ka matsoho ka metsi a sesepa (hopola ho rwala dihansekune tseo o tshireletsang dikhemikhaleng), di pudutse, mme o di boloke ka hara sefafatsi kapa moo o ka di behang teng ka setorong.
Hlahloba melongwana (nozzles), le dikarolo tsohle tsa sefafatsi, o be o hlahlobe le tsona divelofo. Masalla a dikhemikhale a ka nna a bopeha dibakeng tsena, mme tsa eba thata nakong ya mariha, mme tsa fokotsa haholo tshebetso ya sefafatsi nakong ya sehla se hlahlamang.
Tlosa dintlha tse ka pele tsa melongwana, ditshireletsi (screens), divelofo, dikatiba tsa divelofo (caps) le dikarolo tsohle tse hokahantsweng le melongwana. Di tlamelle hape ka nepo.
Hlwekisa le ho pudutsa bokapele ba melongwana, dikarolo tsohle tsa melongwana, o be o hlahlobe divelofo. Boloka ka hara setshelo se tshwailweng. Boloka divelofo themphereitjhareng ya kamore nakong ya mariha ho qoba tshenyo e ka bakwang ke dithemphereitjhara tse tlase haholo tsa leqhwa.
Tlosa dikeitje kaofela tsa kgatello (pressure gauges), mme o kenye ditshireletsi masobeng a sefafatsi. Boloka dikeitje moo di ke keng tsa senngwa ke serame tsenyo efe kapa efe.
Qetellong, tsamaisa sethibelaleqhwa (antifreeze) ka hara sefafatsi, hohle moo metsi a tsamayang teng, ho kenyeleditswe divelofo, masobana a sefafatsi, moo ho tlamelletsweng teng, dimithara tse laolang ho feta ha metsi le dipeipi tse kgutlisang metsi. Dumella antifreeze ho matha ka hara dipeipi. Sena se tla siya mafuranyana ka hara peipi a tla thusa bokahare ba peipi hore bo se omelle le ho petsoha. Ho kwala masobana a melongwana ho tla thusa hore antifreeze e dule ka moo, empa o tla tshwanela ho bula lesoba kapa a mabedi ho etsa hore antifreeze e kgone ho fihla hohle ka hara sefafatsi. Kwala masobana ao ha antifreeze e se e fihletse dikarolo tsohle.
Sepheo sa mohato wa ho boloka ke hore antifreeze e sututse metsi a saletseng, a ka bang teng ka hara sefafatsi, le ho ala mafura a thibelo dikarolong tse ka hara sefafatsi. Etsa hore antifreeze e dule ka hara pompo le divelofo ho thibela mafoome le tshenyo e ka bakwang ke moya o leswe o ka tshwasehang ka hara sesebediswa. Ka ha basebedisi ba bang ba tlosa pompo pele ba ilo boloka thepa ya bona, ho kenngwa ha divelofo tse kwalehang ka mahlakoreng a pompo, ho ka potlakisa tshebetso ena.
Antifreeze mabapi le makoloi a boithapollo (RV's) hangata e sebediswa polokong ya difafatsi tsa temo. Kgahlanong le antifreeze ya makoloi, e batla e se tjhefo haholo diphoofolong. Ha bongata ba dihlahiswa tsa antifreeze ya makoloi bo tla hwama maemong a batang haholo, ha e a tshwanela ho hwama. Ho sa kgathalatsehe, ka mehla bala leibole ya antifreeze ho etsa bonnete hore e tla sebetsa tlasa maemo a mariha.
Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe, se se se tlositswe tsohle tse ka bang kotsi ho mosebedisi, se beilwe maemong a matle a ho shebana le mariha, se ka bolokwa setorong. Ho totobetse he, hore poloko ya ka hara moaho, hole le tshebediso e bohlaswa ya disebediswa, ke yona e molemo. Empa sebaka sefe kapa sefe se ka hara moaho, seo o ka se kgethang, se tshwanetse ho ba hole le diphalli (liquids) le manyolo a ommeng. Lerole le masalla a dihlahiswa tsena ke dintho tse ka bakang mafoome, tsa senya pente le bokantle ba difafatsi.
Ha eba o kgetha ho se sebedise mokgwa wa antifreeze polokong ya hao, ke tlwaelo e ntle ho tlosa pompo ya sefafatsi le ho e boloka lephepheng ho fihlela nako e hlahlamang ya sehla. Hangata, metsi a salla ka hara pompo, mme nakong ya dikgwedi tse batang tsa mariha, metsi ao a a hwama, ebe moo pompo e petsohang le ho phatloha - e leng se qetellang ka ho e etsa ntho e se nang thuso.
Tlhokomelo ya sesebediswa sa sebolayakokwanyana e kenyeletsa hlahlobo ya tanka ya sefafatsi, pompo, dipeipi, disefe peiping, keitje ya kgatello, moo ho kopantsweng teng (di-fittings), dintlha molongwaneng wa sefafatsi hammoho le disefe. Hlahloba sefafatsi pele se ilo bolokwa, le ka mora ho bolokwa nako e telele, hape le pele se ka sebediswa. Hopola ho rwala dintho tse o tshireletsang ha o sebedisa difafatsi.
Tanka ya ho fafatsa: Ditanka tsa ho fafatsa di entswe ka tshepe e thata, e hlwekileng (stainless) kapa e apesitsweng ka zinc, fiberglass kapa polasetike, ho kenyeleditswe polyethylene kapa polypropylene. Disebediswa tsena ka kakaretso ha di monye letho hakaalo, mme masalla a sebolayakokwanyana ha a tshwanele ho siuuwa ka hara ditshelo tsena ha di se di hlwekisitswe. Le ha ho le jwalo, bokahare ba fiberglass, ha bo ngwapuwa, bo tla monya sebolayakokwanyana. Mapatso le mengwapo ka hara ditanka tse tshireleditsweng ka zinc, a tshwanetse ho lokiswa ka letsopa la epoxy (le dujwang); ho seng jwalo karolo e pepesehileng e tla ba le mafoome. Ka mora nako e itseng, hlahloba ditanka ho bona ha eba mapatso a teng kapa mafoome a ka bakang hore tanka e fokole, mme e qetelle e dutla. Nnetefatsa hore tanka ya sefafatsi e tlameletswe ka thata sefafatsing.
Pompo le direkere tse thibang (seals): Pompo hammoho le dikarolwana tsohle tsa yona di tshwanetse ho ba memong a matle a tshebetso. Dithibi (seals), didikadikwe tsa 'O' kapa diwashere tsa dikomikinyana, tse entsweng ka letlalo di ka nna tsa omella kapa tsa honyela ha eba sefafatsi se nka tako e telele haholo se sa sebediswe kapa se sa bolokwa ka tshwanelo. E meng ya metswako e sebediswang merianeng e bolayang diboko/dikokwanyana e ka nna ya senya dithibi tsena tsa pompo, mme tsa qetella di bakile ho dutla pompong, le yona pompo ya qetella e sa pompe hantle.
Dipeipi (hoses): Kenya dipeipi tse ntjha ha eba tsa kgale di se di dutla kapa di petsohile. Hopola hore dipeipi tse sebediswang moo ho fediswang dikokwanyana/diboko di sitwa ho dula di hlwekile ka hohlehohle. Ka nako tsohle ho tla nne ho dule ho ena le masallanyana a itseng a saletseng. Tseo tse lahlwang di tshwanetse hore di se sebedisetswe mosebetsi o mong osele.
Disefe le ditshireletsi: Ka mehla sebedisa disefe le ditshireletsi nakong eo sesebediswa se sebetsang ka yona. Disefe tsena di sefa ditshila tse ka kwalang molongwana wa sefafatsi, mme sa qetella se sa sebetse ka tshwanelo.
Keitje tsa kgatello (pressure gauges): Kgatello ya sephalli ka hara sefafatsi se behwa leihlo ka watjhenyana ya keitje. Keitjhe ena e metha kgatello ya ho fafatsa ho tswang le melongwaneng ya sefafatsi ha eba e behilwe pakeng tsa regulator (selekanyetsi) le melongwana ya sefafatsi. Qetellong, phapang e bang teng mabapi le kgatello e ka nna ya bolela tshebetso e fosahetseng. Nnetefatsa hore keitje ya kgatello e boemong bo nepahetseng ba tshebetso, le hore lenaka watjheng le supa dinomoro ka nepo.
Ho kopanngwa ha dikarolo le ditlelempe (clamps): Ho kgwehla le ho petsoha moo ho kopantsweng teng hangata ke sesosa sa ho dutla. Etsa bonnete hore moo dikarolo tsa sefafatsi di kopanngwang teng ho tiile le hore ditlelempe di tiile hantle, pele o sebedisa sefafatsi tlasa kgatello le ho pompa sephalli ka hara sona. Hang ha sefafatsi se le tlasa kgatello, sheba hore na ha ho moo ho dutlang na.
Melongwana ya sefafatsi le disefe: Hlahloba melongwana kgafetsa ho etsa bonnete ba hore ha e a thibana. Melongwana e seng e kgathetse e bolela hore o tla sebedisa dikhemikhale tse ngata ho fafatsa e leng seo hangata se bakang ho fafatsa ho tsamayang ho fetoha mona le mane. Masoba a melongwana le ona a ka nna a fetoha, haholoholo ha ho sebediswa dikhemikhale tse bohale, tse hahlamelang ha bohloko, tse kang mefuta e itseng ya diphofo (powders). Ha eba molongwaneng ho tswa hanyenyane ho feta ka moo ho lebelletsweng ka teng, hlwekisa molongwana, o leke hape. E ka nna yaba melongwana e mpa e thibane feela.
<fn>PulaImvula. Study.2010-01.st.txt</fn>
Tshebeletso tse etsetswang balemi motho ka mong di dieha haholo, mme di ja haholo ka pokothong. Ho baballa ditshenyehelo ho kopanya mmoho batho ba ditabatabelo le bokgoni bo tshwanang hobane ba kgona ho thuswa ka dikopano tse bang teng kgafetsa. Projeke ena e tswela pele ho fihlella sepheo sa yona - ho tiisa hore kwetliso, bokgoni le ditaba tsa bohlokwa di fihla ho balemi ba ntseng ba thuthuha mabatoweng a fapaneng.
Ha dilemo di ntse di feta, re lemohile palo ya ditho tsa dihlopha tsa boithuto hore e a theoha, mme ho sala palo ya balemi bao ruri ba nang le thahasello, mme ba ikemiseditseng ho ba bahwebi ba nnete. Sena se bonahala ka ho hlaka provenseng ya North West moo lenaneo lena le sebeditseng dilemo tse ngata. Dibakeng tseo ho tsona dihlopha tsa boithuto di sa leng ntjha teng, haholoholo dibakeng tsa mahaeng, bothata bo boholo ke ho kgina boholo ba palo ya dihlopha. Dibakeng tse ding ho teng balemi ba bangata ba ka bang 200, e leng ba banyane, ba batlang ho kena sehlopheng sa boithuto.
Lemong sena, re se re thusitse dihlopha tsa boithuto tse 128 ho phatlalla le dibaka tseo re di thusang ka diofisi tsa provense. Ho kenyelleditswe palong ena, dihlopha tsa boithuto tse robedi, mme ke karolo ya projeke ya Koro Foreisetata e ka Botjhabela.
Poone e seng e le malala a laotswe le poone ya BT.
Ka moo o ka rerang ka teng mabapi le sehla se tlang ha maemo a lehodimo a le mabe tlhahisong ya dijothollo.
Kgweding tse mmalwa tse fetileng, re ile ra nna ra kopana le setho ka seng sa sehlopha sa boithuto e le ho bokella dintlha ka motho ka mong mabapi le palo ya dihekthara tse lenngweng, palo le boemo ba diterekere, diplantere, difafatsi le disebediswa tse phetholang mobu. Re na le tshepo ya ho fihlella thuso ya tjhelete le tshehetso ya lenaneo la ntlafatso ya sesebediswa sena - sesebediswa se setle sa motjhine se bohlokwa tlhahisong ya kgwebo. Ka kgatello e nepahetseng mabapi le katleho tlhahisong ya dijothollo, boholo ba sesebediswa sena ha esale bo nyahladitswe ka ha tjhelete e bile siyo ya ho etsa ditokiso tse hlokahalang hammoho le tlhokomelo. Taba ena e se e lokisitswe ha eba balemi ba batsho ba tshwanetse ho nka maemo a bona a nepahetseng jwalo ka balemi ba bahwebi ruri.
<fn>PulaImvula. StudyGroup(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Imperani (Ficksburg) Study Group.
Ficksburg le Rosendal.
1 510 dihekthara.
Lebaka la ho se jale mobu o lemehang?
Mobu ke wa dihlopha tsa batho, ka hoo, ha ho bonolo ho adingwa tjhelete.
Sehlopha sa boithuto se kopana kgafetsa hakae?
Sehlopha sa rona sa Boithuto se kopana kgwedi le kgwedi ho buisana ka lenaneo la koro, mme kgweding e nngwe le e nngwe ya bobedi re buisana ka lenaneo la poone.
Melemo ke efe ya ho ba setho sa Sehlopha sa Boithuto?
Jwale re a tseba se etsahalang indastering ya dijothollo, hape re tseba ka menyetla lefapheng lena la temo. Re na le tshehetso eo re ka itshetlehang ka yona ha mathata a le teng.
Na ho na le tlamahano e itseng pakeng tsa Sehlopha sa Boithuto le lefapha la balemi ba bahwebi?
Ka nako e nngwe re kopana le balemi ba bahwebi difantising, mme ebe re ikutlwa re le karolo ya setjhaba se seholo sa temo.
Na o batla ho kopana le Sehlopha sa Boithuto sa molemi wa mohwebi, mme hobaneng o nahana hore sena se bohlokwa?
Ho bohlokwa hore rona re le balemi re bue ka ntswe le le leng. Molemi ya ntseng a thuthuha ke molemi wa dijo ya ntseng a hola. Ho qala mmoho re buisana le ho tshehetsana ho tla etsa hore balemi bohle ba be matla.
<fn>PulaImvula. StudyGroup(maize).2011-04-07.st.txt</fn>
Sehlopha sa Boithuto sa Uphuzane (O nwang).
Sehlopha sa Boithuto sa Uphuzane se hokae?
Uphuzane e dikilomithara tse ka bang 25 ho tloha Paulpietersburg karolong e ka Leboya ya KwaZulu-Natal pela noka ya Bivane. Sena ke sebaka se harehare sa mahaeng se hlokang metheo ya tshehetso, mme balemi ba hloka boitsebelo le tsebo hore ba kgone ho ikemela le ho sebetsa ka bobona.
Sehlopha sa boithuto se na le balemi ba banna le ba basadi ba mafolofolo ho ithuta le ho ntlafatsa tjhelete ya bona e kenang, ho ntlafatsa bophelo ba bona le ho sebedisa hantle mehlodi ya tlhaho.
Hajwale balemi ba sebedisa dihekthara tse ka bang mashome a supileng tsa mobu o ka lengwang, empa ho sa ntse ho ena le mobu o mongata o ituletseng feela.
Hobaneng ha mobu o ituletse feela?
Mabaka a mobu o ituletseng feela haholoholo ke mathata a ditjhelete hobane masimo a balemi ke a setjhaba a kopanetsweng, mme ba adimanang ka ditjhelete ba lesisitheho ho adimana ka tjhelete. Qaka e nngwe ke ya metjhine, ho hloka diterekere le disebediswa tse ding tsa temo.
Sehlopha sa boithuto se kopana kgafetsa hakae?
Sehlopha sa boithuto se kopana hang ka kgwedi ho tshohla mathata le hore ho ka sebediswa jwang mehlodi e fokolang e leng teng.
Melemo ke efe ya ho ba setho sa sehlopha sa boithuto?
Ke ile ka makala haholo ha ke lemoha hore balemi ba simollotse ho sebedisa mekgwa ya sejwalejwale ya tlhahiso (ho se phethole mobu) sehleng sa 2009/2010 ka katleho e kgolo. Sehleng sena sa jwale ba bile ba ekeditse tshebediso ya poone ya ho se phethole mobu. Sena se fihlelletswe ka katleho e kgolo ho feta. Thahasello ya bona ya ho tloha mekgweng ya kgale ya ho jala poone, ho ya ho ya sejwalejwale, e tiisa hore ha ba kgahlanong le phetoho, le hore kwetliso le ntshetsopele di qadile ho bontsha ditholwana tse itseng. (Walala wasala - ha o robetse, o a lahlehelwa).
Balemi ba lemoha hore ba fumana lesedi le lengata le tsebo e ngata ka ho ba ditho tsa sehlopha sa boithuto le ho ba teng ho ketekweng ha matsatsi a molemi. Mokgwa o mong wa ho ba le boiphihlelo bo bongata ke tshebediso ya ditshingwana tsa teko tse bontshang balemi mokgwa o nepahetseng le wa sejwalejwale wa ho jala poone.
Na kamano efe kapa efe e teng pakeng tsa sehlopha sa boithuto le lefapha la bahwebi?
Kamano e teng pakeng tsa ditho tsa sehlopha sa boithuto le balemi ba selehae ba bahwebi, empa bohole ba karohano pakeng tsa bona le balemi ba bahwebi e sa ntse e le phephetso. Sehlopha sa boithuto se na le kamano e ntle le Lefapha la Temo hammoho le balemi ba bahwebi ba lebatowa.
<fn>PulaImvula. StudyGroup(maize).st.txt</fn>
Use the South African map and show where the Northern Eastern Cape is.
Photo 1: Sehlopha sa Boithuto sa Khanyayo kopanong ya sona.
Photo 2: Modulasetulo wa Sehlopha sa Boithuto sa Khanyayo, Monghai Magidela ka pela poone ya hae.
Sehlopha sa boithuto sa Khanyayo.
Sehlopha sa boithuto se hokae?
Sehlopha sa boithuto se tulong ya mahaeng e fokollwang kapa eo ho hang e se nang ditshiya tsa motheo, dikilomithara tse ka bang 60 ho tloha Bizana ho la Kapa e ka Leboya le ka Botjhabela.
Sehlopha sa boithuto se na le ditho tse 100.
Dihekthara tse 100 di ka sebedisetswa tlhahiso.
Dihekthara tse 40.
Hobaneng ha masimo ohle a sa ka a jalwa?
Bosiyo ba ditjhelete.
Bosiyo ba tse kenngwang mobung.
Bosiyo ba disebediswa tsa temo.
Bosiyo ba terata e tshireletsang.
Tlelaemete - tshimolohong ya sehla sa ho jala sa 2010, dipula di diehile ho na, mme ho ne ho sitwa ho jalwa ka baka la mongobo o mongata.
Bohole ba sebaka sa thekiso ya tse kenngwang mobung, mohlala, manyolo, peo le dikhemikhale.
Sehlopha se kopana kgafetsa hakae?
Sehlopha sa boithuto se kopana le Grain SA ka kgwedi le kgwedi. Ha e le sehlopha sona se kopana beke le beke ho tshohla tsa temo.
Melemo ke efe ya ho ba setho sa sehlopha sa boithuto?
Melemo ya ho ba setho sa sehlopha sa boithuto ke ho fumana tsebo, dipuisano sa sehlopha, ho bona mekgwa e nepahetseng ya temo ho ya ka disampole tsa mobu, ho jala, tshebediso ya dibolayalehola hammoho le diteko tsa ho lema tse bontshwang balemi. Sehlopha sa boithuto sa Khanyayo se bile lehlohonolo ho ba teng thutong e bitswang Selelekela Thutong ya Poone.
Na kamano e teng pakeng tsa sehlopha sa boithuto le lefapha la balemi ba bahwebi?
Hajwale ha ho eso be teng balemi ba bahwebi tikolohong ena!
Sehlopha sa boithuto se unne molemo jwang ho ba Grain SA?
Ka dikopano sehlopha sa boithuto se kgonne ho iphumanela tsebo ka dipuisano mabapi le botle le bobe mabapi le mekgwa e nepahetseng ya ho jala.
Diteko tsa dipontsho di bile le sekgahla melemong ya tshebediso ya manyolo le dikhemikhale.
Ka baka la ho hlongwa ha sehlopha sa boithuto, ho bile teng sehlotshwana se rekang, e leng se ka hara sehlopha sa boithuto, mme e bile sona se rekang dikhemikhale le manyolo.
<fn>PulaImvula. StudyGroups(maize).2011-05-11.st.txt</fn>
Ke dihekthara tse ka bang 2152 tsa mobu o ka lengwang, o ka sebediswang ke ditho tsa sehlopha sa boithuto sa lebatowa lena. Ona ke mobu o kopanetsweng ke setjhaba, mobu wa mmuso, empa o leng tlasa tsamaiso ya mmuso wa setjhaba. Molemi ka mong o na le "tumello ya tshebediso" (kapa PTO), e leng ho tshwanang le tumellano ya ho hira. Molemi a ke ke a ba monga masimo, empa le teng masimo a ke ke a nkuwa ho ba lelapa.
Sehleng sena, balemi ba sitilwe ho jala dihekthra tse 857. Mabaka a mangata a bakileng boemo bona, ho kenyelleditswe ditjeo tse phahameng tsa tse kenngwang mobung hammoho le ditjeo tsa phahameng tsa borakonteraka. Balemi ba sitwa ho ithekela diterekere le disebediswa ka ha ditheko tseo ba di fumanang tsa dijothollo di le tlase, mme le phaello e le tlase. Bongata ba balemi ba ntseng ba sebedisa mobu ke ba tsofetseng, ba seng ba iphelela ka yona phenshene ya maqheku. Balemi bana ba tsofetseng ha ba kgone ho fumana thuso ya ditjhelete, jwalo ka tjhelete ya kadimo dibankeng, hape ba sitwa ho eketsa masimo a bona ka tjhelete ya bona.
Boholo ba masimo a lengwang ha bo a tshireletswa ka terata, mme ka baka lena balemi ba utswetswa mehlape ya bona. Lenaneo la CASP la Lefapha la Temo le lesisitheho tabeng ya ho thusa ho kampela masimo. Lenaneo le matla la tlhahiso ya dijo le ntse le qepha selemo le selemo, mme ke balemi ba seng bakae feela ba thuswang ho jala dijothollo tsa bona. Balemi ba dibakeng tsa mahae ba ipileditse lenaneong la ASGISA le sebetsanang le masimo a batho empa le sa kenyelletse beng ba masimo. Ona ha se mokgwa wa ho rarolla mathata, jwalo ka ha re tseba hore ha ASGISA e se e sa sebetsane le masimo, masimo ao a tla dula a sa etswe letho, ka ha ho ke ke ha ba teng phapanyetsano ya boitsebelo le matlafatso ya letho bathong. Boemo ba ditaba ke bo lefifi.
Ditho tsa dihlopha tsa boithuto di kopana hang ka kgwedi. Molemo ke o moholo wa ho ba karolo ya sehlopha sena, ka ha balemi ba kgona ho abelana maikutlo le ho hlwaya ditlhoko tsa kwetliso hammoho le ho thusana ka dikeletso le tshehetsano. Balemi ba mahaeng ba hole le bana ba bahwebi, mme nnete ke hore ba mmalwa feela bao e leng ba bahwebi. Tswelopele mohatong ona e tsamaya butle, empa ke thaba ho bolela hore tswelopele e a bonahala. Balemi ba sebedisa peo ya mabasetere le manyolo, mme ba etsa boiteko bo matla ba ho laola mahola masimong a bona a poone.
<fn>PulaImvula. StudyGroupsMaize.2009-01.st.txt</fn>
Sepheo ke sefe sa sehlopha sa boithuto?
E nngwe ya diprojeke tsa bohlokwa tsa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho theha le ho hlokomela dihlopha tsa boithuto.
Sepheo sa rojeke ena ke ho kgothaletsa bahlahisi ba ntseng ba thuthuha, ba nang le masimo, ho theha dihlopha tsa boithuto tse dulang di kopana ho iphumanela kwetliso le tlhahisoleseding e amanang le indasteri ya poone.
Lawrence Luthango (ya nnileng a sebetsa ho tloha ka Motsheanong 2008), Kapa Botjhabela - dihlopha tse boithuto tse 14.
Disampole tsa mobu, ka moo boro ya mobu e sebediswang ka teng, botebo ba mobu, ho teteana ha mobu le lekgapetla le thata la mobu le bakwang ke mohoma, ho tshelwa ha kalaka mobung, diphetho tsa teko ya mobu, esiti mobung, bokgoni ba mobu, manyolo, ditlhoko tsa menontsha ya dimela, ho fumaneha ha menontsha mebung ena, mekgwa ya ho phethola mobu le paballo ya mongobo.
Dikadimo tse ka etswang ke bahlahisi - tse fuperweng ke taba ya kadimo ya tjhelete, morero ka tjhelete, ditshenyehelo tsa tlhahiso, ditekanyetso tsa kuno (kotulo), matsatsi a ho jala, botebo ba ho jala, mefuta ka ho fapana, palo ya dimela, tshwaetso ya tlelaemete tlhahisong ya dijothollo, metako e sebedisetswang ho metha difafatsing le diplantereng, phapantsho ya dijothollo, tshebediso e hlwahlwa ya borakonteraka, kotulo, mothamo wa mongobo ha ho kereitwa (hlophiswa ka mefuta), ho bolokwa ha poone setorong, ditshenyehelo tsa teranseporoto, mokgwa o bohlale wa ho reka tse sebediswang, boleng ba masalla a dijothollo, ho mmaraka/bapatsa dijothollo, hammoho le tshehetso ya mmuso.
Ditjeo mabapi le tshebediso ya tsona, ditlhoko tsa kW mabapi le disebediswa tse fapaneng, ditjeo tsa ditokiso, ditlhoko tsa kW hekthara ka nngwe, phetholo e fokoditsweng ya mobu ho baballa ditjeo le ditumellano tsa dikgirisetso/ditheko.
Ka moo o ka fumanang masimo ka teng, ho tseba boholo ba masimo a hao, ho hirwa ha masimo, tlhophiso ya mobu le ka moo o ka sebetsanang ka teng le baipehi mobung wa hao.
Taolo ya sesedi masimong le taolo ya sephunyakutu (stalk borer).
Mefuta ya mahola, taolo ya mahola ka dikhemikhale le ka metjhine, taolo ya jwang maholeng, dibolayalehola tsa pele peo e hlaha le tsa ha e se e hlahile, le ho fafatsa meleng kapa hodima masimo kaofela.
Tshenya ya sefako, inshorense ya sefako, inshorense e akaretsang le tse hlokahalang mabapi le inshorense.
<fn>PulaImvula. SuccessfulMaize.2009-06.st.txt</fn>
E le mohato wa pele tsamaisong e hlwahlwa kgwebong ya temo, ho a hlokahala ho etsa qeto mabapi le merero. Thuto e sa tsejweng e sitwa ho latelwa ntle le kgopolo feela ya seo motho a se rerileng. Bahlahisi hangata ba tshwauwa diphoso hobane ba hloka thahasello ya ho tsepamisa maikutlo ho seo ba se rerileng mabapi le mesebetsi ya bona kapa bona ka bobona.
Ho boima ho rala merero e shebaneng le mesebetsi ya bolemi hobane maemo ha a tshepahale, mme tsa hosane di ke ke tsa tsejwa.
Ho nka nako e ngata haholo ho beha merero e lokelang ho latelwa mosebetsing wa bolemi.
Le hoja mabaka ana a mabedi a ena le tlhase ya nnete, bohlokwa ba ho rala merero - hara mathata le nako - ke taba e hatellwang e le ka nnete. Merero e supa moo motho a yang teng, mme e fana ka kelello ho seo motho a se etsang. Ka ntle ho yona ho boima ho laola katleho kapa ho folotsa ha yona. Ntle le meralo e entsweng, ha ho na bokgoni ba ho lekanya tshebetso ka ha ke ho suha rapola puleng ho lwantshana le ntho e siyo. Hobane taba ya ho rala merero mosebetsing wa bolemi e le ntho e thata, e jang nako, ha ho fokotse bohlokwa ba yona, empa ho hatella nnete ya hore mohato ona o lokela ho shejwa ka ihlo le ntjhotjho.
Ho rala merero kgwebong ya temo ka nako tse ding ho tlisa mathata. Lebaka la sena ke nnete ya hore bolemi ke mosebetsi oo molemi a ikgethetseng ona, oo a tlang ho phela ka ona. Ba lelapa la hae ke karolo e ke keng ya arohanngwa le mosebetsi wa kgwebo ena le bophelo bona ba hae. Hape le hoja ka kakaretso ho amohelwa hore sepheopheo sa kgwebo ya bokapitale ke ho etsa phaello e ngata ka moo ho kgonahalang ka teng nakong e telele, kgwebo ya bolemi e ka nna ya se be le sena jwalo ka morero wa sehlooho ka baka la ho kgema mmoho ha bophelo ba monga polasi le profeshene ena. Morero ka kakeretso wa balemi-bahlahisi bana o ka hlaloswa ka mokgwa o batsi e le ho lelekisa phaello e phahameng ka moo ho kgonahalang ka teng, ha feela sena se ke ke sa senya lelapa le thabileng le mokgwa wa ho phela wa lelapa lena.
Merero e radilweng hodimo mona e lerootho ka ha e sitwa ho tiiswa ntle le pelaelo, mme hape e ka hlaloswa ka ditsela tse fapaneng. Tlhaloso e a nnetefala bophelong moo re fumanang hore ha ho batho ba babedi ba tshwanang ka hohlehohle dintlheng tsa bohlokwa bophelong ba bona, mme hape kutlwisiso ya bona ya lelapa le thabileng le mokgwa wa ho phela, ka baka lena, di a fapana. Hore na ho lelekisa phaello ho nka nako e kae le hore ho lelekiswa ho fihlela hokae ho tla fapana pakeng tsa balemi, mme sena se itshetlehile maemong a motho ka boyena le hore o ikemiseditse ho iketsa sehlabelo ho le hokae moo a lelekisang phaello ho feta dintho tse ding. Le ha ho le jwalo, se tla ba bohlokwa haholo tabeng ena ho mohlahisi ke hore o tshwanetse ho sheba hore na dintho tse ding di mo sitisa ho le hokae tabeng ya hae ya ho lelekisa phaello, hobane ke feela ha a ka etsa sena, a tlang ho kgona ho etsa kgetho e nang le kelello pakeng tsa dintho tse ngata tseo a shebaneng le tsona.
Setjhaba se lebella mokga ona wa tlhahiso ya tsa temo hore o fepele - ho ntse ho shebilwe dikgaello tsa naha ka nngwe - bonyane dijo le tse hlokahalang tsa motheho ka ditheko tse amohelehang, le hore maemo a nne a tswele pele jwalo, e leng se bolelang tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi ya tlhaho nakong e telele. Le ha ho le jwalo, merero ka kakaretso e ke ke ya lekana. Tshebetso kapa karolwana ya tshebetso e hloka morero wa yona kapa karolwana ya morero wa yona, empa tsena tsohle di tshwanetse ho dumellana le morero wa sehlooho. Mohlala, molemi ya etsang qeto hore o tla hlahisa poone o tshwanetse ho ba le morero o qollehileng wa lehlakore lena la hae la poone, mohlala, ho lema dihekthara tse 500 tsa poone e tshehla ka selemo. Empa sena le sona se ntse se sa lekana. O tla boela a tshwanela ho ela hloko merero ya tseo a nang le tsona hammoho le ditjeo, ka ha tsena di tla mo tataisa morerong wa hae wa peo le tshebedisong ya manyolo.
Mohlahisi e mong le e mong o tshwanetse ho rala merero ya hae ka boyena. Bohlokwa ba ho ipehela tseo a ratang ho di fihlella ke taba e tjhaellwang monwana, mme ho elwe hloko bohlokwa ba ho ba le kutlwisiso e hlakileng ya seo molemi a batlang ho se fihlella ka kgwebo ya hae ya temo. Ha eba kgohlano e le teng pakeng tsa merero ya hae, mohlahisi ka boyena o tshwanetse ho ela hloko dintho tse ikgethileng tseo a di lelekisang, le hore yena ka boyena ke motho ya jwang, mme ebe moo a bang le kutlwisiso e hlakileng mabapi le seo a batlang hore se tle pele. Morerong wa mohato ofe kapa ofe wa tshebetso kapa seo a batlang ho se fihlella, o tshwanetse ho ba le bonnete hore mohato kapa tshebetso ena e ikgethileng e dumellana le tse tlang pele, mme hape e dumellana le merero ya hae ka kakaretso.
Taba e nngwe le e nngwe e boletsweng mona mabapi le merero e ka akaretswa ka ntlha e le nngwe. Merero ya kgwebo ya temo ke ho fihlella phaello e phahameng, mme ho hlokometswe hore mehlodi ya tlhaho (mobu, metsi, makgulo, jj.) di dula di hlokometswe ka mokgwa oo di ka sebediswang ho hlahisa kuno e phahameng nakong e telele.
Ho kenya tshebetsong mekgwa e lekaneng ya taolo hore a nne a tsebe ka tswelopele e ntseng e hatela pele e le hore mehato e hlokahalang ya ho lokisa diphoso e ka nkwa nakong e nepahetseng.
S (specific) - e qollehe, e ikgethe.
M (measurable) - e kgone ho ka methwa/lekanngwa.
A (achievable) - e kgone ho ka fihlellwa.
R (realistic) - e be ya nnete, e teng, eseng ditoro feela.
T (time related) - e kgeme mmoho le dinako tse beilweng.
Ho rala merero ke taba e shebaneng le "eng" ya mosebetsi wa bolemi, e leng ho fumana dikarabo potsong ya ho re "Re batla ho fihlella eng?
Ho fihlella kuno ka hekthara ka nngwe - sena se bolela hore tlhahiso hekthareng ka nngwe e tlamehile ho fihlella tse habilweng, e leng tse hlahellang ditekanyetsong tsa selemo. Ditekanyetso tsena tsa selemo di fapana ho ya ka mesebetsi.
Ho tiisa hore dihlahiswa tse tla fumanwa qetellong di kgotsofatsa tse lebelletsweng ke mebaraka - manejara wa tlhahiso, mohlala, o tshwanetse ho rala tse lebelletsweng tlhahisong e le ho fihlella ditlhoko tsa mebaraka. Tsena e ka ba ka mokgwa wa boholo (size), mmala kapa boleng ba ka hare.
Ho tiisa hore tshebetso e a phethahala - sena se bolela ho tiisa hore tikoloho ha e kgahlanong haholo, kapa ka mokgwa o sa hlokahaleng ha e sitiswe ke tshebetso ya tlhahiso, mohlala, ka dikhemikhale tse lwantshanang le dikokonyana, malwetse, jwalojwalo, e le hore tlhahiso ya boemo bo phahameng e dula e fihlellwa nakong yohle ya mosebetsi kapa sebaka sa tlhahiso.
Ho kgema mmoho le meralo ya Tlwaelo tse Ntle tsa Temo (Good Agricultural Practices kapa GAP) - GAP e batla tlhokomelo tshebedisong ya dikhemikhale ho tiisa hore paballeho e teng ho basebedisi kaofela, tshebediso ya dibolayakokwanyana, dibolayabolele (fungicides), le manyolo ka mokgwa o hlophisitsweng, o rerilweng le o hlokometsweng hantle, hammoho le tshebediso e ntle ya metsi ho thibela tshenyo ya ona, tshwaetso/kgahlamelo e mpe le kgoholeho.
Merero e tswalwang ke e meholo e ka nna ya ama mesebetsi ya bolemi ya motho ka mong, empa ho kgotsofatsa merero e boletsweng hodimo mona ho tla tiisa hore katleho ka kakaretso e a fihlellwa mosebetsing.
<fn>PulaImvula. Sunflower(opot).2011-04-07.st.txt</fn>
Byline: Ditaba di hlophisitswe ho tswa bukaneng ya tataiso ya Tllhahiso e Phahameng ya Soneblomo.
Molemi o tlamehile ho etsa bonnete hore taolo ya boleng e simolla nakong ya mehato ya ho rera le ya pele ho jalwa, mme e kenyelletsa tshebetso efe le efe ya tsamaiso e tla tiisa hore tlhahiso e phahameng e a fihlellwa.
Dintlha tse itseng tse tshwanetseng ho hopolwa, e leng tse nang le tshwaetso mabapi le boleng ba qeto peong e kotutsweng ke: tokiso ya mobu, botebo ba mobu, pH, tekatekano ya diminerale, mongobo o bolokilweng, kgetho ya mofuta wa peo, manyolo a nepahetseng, taolo ya mahola le dikokwanyana hammoho le ho kotula mohatong o nepahetseng le tshwaro e nepahetseng (ka matsoho), ho kenyelleditswe mekgwa ya ho hlwekisa, ho omisa le ho bolokwa setorong.
Kotulo ke mosebetsi wa sehlooho o hlokolosi polasing. Ho kotula ke mohato wa pele ka mora tlhahiso o kenyelletsang ho sebetswa ha soneblomo, ho bolokwa le ho baballwa ha yona. Ka hara mabatowa a fapaneng a tlhahiso mona Afrika Borwa, ho sebetswa, ho bolokwa le ho baballwa ho akaretsa mesebetsi e mengata, ho tloha ho thonakweng le ho bolokwa setorong ha dihlohwana tsa soneblomo, tseo hamorao di tla silwa mapolasing a manyane, le ho ya fihla mesebetsing e meholo ya kgwebo ka dijothollo, e leng e etswang ka metjhine.
Soneblomo e atisa ho kotulwa ka metjhine pele ho poone selemong se tlwaelehileng, ho tloha mafelong a Hlakola (mabapi le peo e jetsweng pele), ho isa ho Motsheanong (mabapi le peo e jetsweng hamorao). Kotulo ena e ka phethwa pele kotulo ya poone e simolla. Ena ke ntho ya bohlokwa mesebetsing e menyane moo ho sebediswang metjhine yona eo ho kotula soneblomo le poone. Molemi e mong le e mong a ka nna a sebedisa rakonteraka ya nang le metjhine e loketseng ho kotula poone le/kapa soneblomo. Nako pakeng tsa kgolo e phethahetseng le kotulo e tshwanetse ho ba kgutshwanyane ka moo ho kgonahalang ka teng ho fokotsa tahlehelo e bakwang ke dinonyana le malwetse a ho bola ha dihlohwana.
Dimela tsa soneblomo ka popeho ya tsona di fihlelletse kgolo e phethahetseng ha bokamorao ba hlohwana bo se bo tlohile mmaleng o motala ho ya ho o mosehla. Ke phetoho eo ka tlwaelo dihloho di seng di omme ho lekaneng hore di ka kotulwa. Soneblomo tsa moaro tse jetsweng di tla ba boemong bo loketseng kotulo ka mora serame se matla mathwasong a dikgwedi tsa mariha. Pele o kotula, sebedisa selekanyi (meter) sa mongobo ho hlahloba mohato wa mongobo sejothollong. Sena se etswa le ka mora boemo ba kgolo e phethahetseng ho tiisa hore sejothollo se kotulwa nakong e ntle, e nepahetseng. Haeba o se na selekanyi sa mongobo, disampole di ka nkuwa nako le nako, mme tsa iswa ho motho wa sesiu sa selehae, kapa ka tumellano le rakonteraka ya nang le motjhine o kotulang, e le hore o etse qeto mabapi le hore kotulo e ka simolla mohatong ofe o nepahetseng.
Ho fokotsa ho pshatleha ha peo nakong ya kotulo, le tahehelo ka baka la dinonyana, soneblomo e ka kotulwa ha mothamo wa mongobo e le 20% ho isa ho 25%, mme ya omiswa seomising sa dijothollo ho fihlela ho 9,5%, e leng mothamo o motle wa mongobo hore soneblomo e ka bolokwa moqomong. Le ha ho le jwalo, maemo Afrika Borwa a batla ho omiswa ho phethahetseng ha soneblomo masimong pele ho kotulo. Ho tshwanetse ho hopolwa ka nako tsohle hore soneblomo ya mongobo o ka hodima 10% e hlaselwa ha bonolo ke kwaekgwaba (fungus).
Lebelo la ho ya pele la motjhine o kotulang le tshwanetse ho ba pakeng tsa dikilomithara tse hlano ho isa ho tse robedi ka hora. Lebelo le letle la ho ya pele le tla nne le fetohe, mme sena se tla laolwa ke mothamo wa mongobo wa soneblomo. Lebelo la ho ya pele le tshwanetse ho fokotswa ha mothamo wa mongobo wa peo o fokotseha e le ho fokotsa tahlehelo ka ho pshatleha ha peo nakong eo dihloho di kenang motjhineng. Mabelo a potlakileng a ho ya pele a kgonahala ha mothamo wa mongobo wa peo o le pakeng tsa 12% le 15%.
Mabelo a batlang a phahame ha a tshwanela ho imela silindara le disefe tse arohanyang sebaka ntle le sejothollong se boima ho feta tekano. Peo e nang le mongobo wa 12% ho isa ho 15% e tla silwa ha bonolo haholo ha e feta silindareng.
Dihloho tse silehileng ka mmoho mobung.
Sebaka mahareng (concave) se sephara haholo.
Peo tse senyehileng ho feta tekano.
Moya o kenang o fokola haholo, ho pola ho fetang tekano silindareng/rotorong. Masoba a mooko a masesane haholo.
Tse senyehileng di ngata haholo ka moqomong wa peo.
Ho pola ho feta tekano, lebelo la silindara/rotor le phahame haholo, concave tiile haholo, fan e tlase haholo, kapa sefe e bulehile haholo.
Dihloho tse pshatlehileng, tse silehileng.
Lebelo la silindara/rotor le phahame haholo, sebaka mahareng (concave) se sephara haholo.
Peo e silehileng, e ntseng e ena le lekgapetla.
Peo tse tlositsweng lekgapetla kapa tse silehileng.
Mabelo a phahameng a silindara/rotor kapa bongata bo boholo ba tse kgutlang.
Mobung, dipeo tse sa polwang.
Pokello e fokolang (header) le (pans).
Peo di betsetswa ka mora motjhine.
Lebelo/ho phalla ha moya, fokotsa lebelo la motjhine le sekgahla sa ho kena ha moya.
Tahlehelo kotulong e pakeng tsa 3% ho isa ho 5% empa e ka nna ya fihla ho 10% kapa 15% tlasa maemo a mabe a kgatello. Metjhine e kotulang e tshwanetse ho hlahlojwa ka ho sheba tahlehelo e hlileng e leng teng pele le ka mora hore motjhine o etse teko motjhophorong wa mobu.
Ho tiisa hore molemi a ka simolla taolo ya kotulo le mothamo wa mongobo ka mokgwa o matla, ho bohlokwa ho ba le motjhine wa sejwalejwale o methang mongobo kapa ho ithekela wa hao haeba bongata ba tlhahiso bo tlama jwalo.
Diteko tse nepahetseng tsa mongobo di bohlokwa taolong le ho marakweng ha dijothollo.
Tshenyo feela haeba dijothollo di le metsi haholo, mme di bolokilwe themphereitjhareng e tlase kapa meqomong ya tlhaho e omisang ka moya.
Ditjeo tse ding tse ka thoko tsa ho omisa hammoho le tahlehelo ka motjhine haeba dijothollo di kotulwa di sa le metsi haholo.
Ho honyela ha mongobo le ditefiso tse ding tse ka thoko tsa ho omisa.
Tahlehelo ya boleng ba dijothollo.
Ho etsa diteko tse nepahetseng tsa mongobo, simolla ka ho ba le sampole.
Ho fumana sampole pele ho kotulo ka ha mothamo wa mongobo wa soneblomo e emeng feela e sa kotulwa o ka nna wa feteletsa maemo ho feta ka moo a leng ka teng. Sena se qetella se baka hore kotulo e be moraonyana ho feta ho ba pelenyana.
Kotula karolwana, mme ebe o etsa teko ya yona.
Kopanya dihloho tse bokelletsweng ka letsoho hammoho le tse tswang dimeleng tse ngata tse kgethilweng hohle masimong. Etsa diteko tse tharo sampoleng ena, mme o fumane palohare ya diphetho.
Isa sampole ho mosebeletsi wa sesiu wa selehae mabapi le teko e nepahetseng.
Etsa tekolo tsa kgafetsa ha dihloho di se di le tshehla e le hore dijothollo di kgone ho kotulwa nakong e ntle ya mongobo wa peo.
Mohlomong mokgwa o motle ka ho fetisisa wa molemi ke mohato wa kgwebo tlhahisong. Meqomo e mengata ya dijothollo, e leng ya tshepe ke ya mothamo wa dikete tse 30 ho isa ho 10 tsa ditone. Haeba tjhelete e haellla, disiu tse nyane tsa mothamo wa ditone tse 30 di ka nna tsa etswa, tse ka etsang karolo ya mokgwa wa ho tshwarwa le ho bolokwa setorong ha dijothollo. Hona ho ka rerwa pele hore e be tshimoloho ya ho thehwa ha mokgwa o batsi o shebetsweng pele tlhahisong e kgolo ya molemi.
Dintlha tse amang le tse lokelang ho shebisiswa kotulong le polokong ya dijothollo di laolwa feela ke hore na molemi o na le setoro seo e leng sa hae kapa tjhe mabapi le karolo ya dijothollo kapa poone yohle e hlahiswang tikolohong eo. Balemi ba baholwanyane mohlomong bona ba ka kgona ho ba le menyetla ya ho sebetsana le karolo e itseng feela ya sejothollo sa sehlooho se hlahiswang. Mapolasi a maholwanyane a batla a alehile ka mokgwa o batsi, mme ho batla ho baballa ditshenyehelo ha thepa e iswa sesiung sa kgwebo ka ho otloloha ho ena le hore dijothollo di tlohe masimong di iswe sesiung sa polasi, mme ho tloha moo di iswe disiung tsa kgwebo.
Haeba o na le menyetla ya ho ba le meqomo ya ho hlwekisa, ho omisa le ho bolokwa setorong, eba he sejothollo se ka kotulwa hang ha peo ya soneblomo e tla tloha dihlohong, ya hlwekisa, ya omiswa, ya behwa setorong le ho rekiswa nakong e nepahetseng, ho ntse ho elwa hloko ditlhophiso tse seng di entswe tsa ho mmaraka le ho rekisa. Haeba sejothollo se ka kotulwa kapele ka moo ho kgonahalang ka teng, kotsi kapa tshenyo efe kapa efe e ka bang teng ya maemo a lehodimo e ka fokotseha.
Soneblomo e hlahiswang mapolasing moo ho seng menyetla ya ho boloka setorong, ka tlwaelo e kotulwa kapele le ho iswa e le jwalo disiung tsa selehae. Molemi o tla tshwanela ho e emela hore e ome pele e ka iswa sesiung sa selehae. Sejothollo se tshwanetse se ome ho feta 10% hore se kgotsofatse maemo a ngodisitsweng semolao mabapi le soneblomo.
Dula o ikopanya le ba sesiu sa hao sa selehae hore ke mongobo o mokae o hlokahalang hore sejothollo se ka ya bolokwa. Dihleng tsa kuno e phahameng, mosebeletsi wa sesiu o tla sitwa ho sebetsana le poone e ngata ya mongobo o phahameng haholo. Rakonteraka o tshwanetse ho simolla feela ho kotula ha boemo ba mongobo bo loketse hore sejothollo se ka iswa hanghang setorong.
Le hoja ho le molemo ho ba le menyetla ya hao ya moo o bolokang thepa ya hao, empa ho sa le teng dikotsi hammoho le mathata a kang, disebediswa tsa temo le tsamaiso mabapi le matsoho, ho hlwekisa, ho omisa, ho peitela dikokwanyana, le ho boloka sejothollo se le maemong a matle a mongobo nakong yohle ya ho bolokwa ha sona setorong.
Ho molemi ya seng a ena le setoro sa hae kapa disiu tsa hae, mehato le ditlhokomediso tse latelang di tla mo thusa ho boloka sejothollo sa hae ka katleho pele se rekiswa.
Hlwekisa sebaka sa polokelo (setoro). Hlwekisa ka ho phethahala lephephe kapa sesiu, diboro le mabanta a tsamaisang, difene tsa moya, dipeipi, ka ho tlosa tshila efe kapa efe a bokellaneng hammoho le dipeo tse salletseng, tse ka bakang dikokwanyana le kwaekgwabana. Kwala mapatso le masobana a ka dumellang dikokwanyana, dikwaekgwabana kapa mongobo ho kena setorong.
Nahana taba ya ho sebedisa approved bin treatment kgahlanong le dikokwanyana. Sebedisa sefafatsi se laolang dikokwanyana bokahareng ba setshelo le bokatlaseng ba sona moo moya o kenang le teng. Etsa bonnete hore khemikhale e ngodisitswe hore e ka sebediswa soneblomong, mme o latele ditaelo tse boletsweng moo.
Etsa bonnete hore sejothollo se bolokilweng se hlwekisitswe ka ho phethahala. Soneblomo e bolokilweng e ena le ditshila tse kang dipeo tse pshatlehileng, dipeo tsa mahola, le lerole, e etsa hore sampole eo yohle e hlaselwe ke kwaekgwabana le dikokwanyana. Soneblomo e tjena hangata e na le mongobo o mongata, mme e ka nna ya baka motjheso. Keletso ke hore ho kenngwe sehlwekisi se hlwekisang ka moya pele peo e bolokwa e le ngata jwalo ka hara setshelo. Sehlwekisi sena se sebetsa mmoho le boro le elevator.
Dijothollo di bolokeha hantle ha di phodile, di omme, di hlwekile.
Boloka dijothollo Mothamong o Bolokehileng wa Mongobo. Peo ya soneblomo e tshwanetse ho bolokwa mongobong wa 10% kapa ka tlase haeba o rerile ho mmaraka dijothollo tsa hao nakong ya kgwedi tse tsheletseng ka mora kotulo.
Mekgwa ya tshebediso ya Moya Sesiung e bohlokwa. Fene ya moya e reretswe ho phodisa soneblomo. Difene di tshwanetse ho tinngwa nakong eo pula kapa mongobo o phahameng haholo.
Hlahloba peo. Disampole tsa soneblomo di tshwanetse ho nkwa beke le beke ho fihlela dithemphereitjhara tsa peo di phodile, di dumellana le tsa mariha. Disampole di tshwanetse ho nkwa dibeke tse ding le tse ding tse nne nakong ya mariha, le ha nngwe ka beke nakong ya dikgwedi tsa lehlabula.
Hlahloba soneblomo, e seng setshelo. Nakong ya ho nka sampole, fatisisa peo ya soneblomo, mme o hlokomele themphereitjhara, mongobo, dikokwanyana, kwaekgwabana le phapang ya menkgo papisong le hlahlobo ya nako e fetileng. Haeba ho fatisisa ho tjhesa, potlaka kapele ho tsamaisa kapa ho dikolosa moqomo kaofela wa peo. Tshwara ka letsoho, utlwa monkgo kapa tsamaya o potapote setshelo, mme o fatisise ho tswa maemong a fapaneng, ka tlase, ka hodimo, hore o kgone ho hlokomela boemo ba peo ka hara setshelo kaofela.
Potlaka ho Rarolla Bothata. Haeba bothata bo lemohuwa, bo rarolle kapele ka ho kenya moya hanghang, isa peo setshelong se seng kapa fatshe kapa laitjha makoloing, mme o e ise sesiung se haufi kapa ho bareki ka ho panya ha leihlo.
Dipeo tsa soneblomo tse sa bolokwang maemong a matle di ka bakela molemi ditshenyehelo tse phahameng tsa ditjhelete. Dipeo tse bolokilweng setshelong e ka nna yaba di se di ntse di ena le dikokwanyana kapa di tla kena hamorao.
Hlwekisa sebaka sa polokelo (setoro) hantle pele o tshela peo.
Hoba o hlwekise masalla a dijothollo tsa kgale le lerole le ho etsa ditokiso, sebedisa sefafatsi ho hlwekisa bokahare ba setshelo beke tse pedi pele se tshelwa.
Qoba taba ya ho kopanya sejothollo se setjha le sa kgale ha o tshela setshelong.
Hlwekisa le ho hlahloba moo moya o tsamayang teng. Ditshila disele di ka nna tsa bokellana dipeiping, mme tsa fetoha sebaka moo dikokwanyana di ipatang teng, mme hona ho ka sitisa moya ho feta ka tshwanelo.
Boemo ba dijothollo tse bolokilweng bo laolwa ke tswakano e rarehileng pakeng tsa tikoloho e kgolo le e nyane hammoho le diphedi (organisms) tsa mefutafuta, ho kenyelleditswe tse kang dikokwanyana, ho bokellana ha kwaekgwabana, dikokwanyana tse nyane, dikgoto le dinonyana tse ka hlaselang peo. Sejothollo se fana ka mohlodi o moholo wa menontsha, mme tshenyo e bakwang ke diphedi tseo re buileng ka tsona e bitswa bio-deterioration (tshenyo e ntlhapedi).
Kgahlamelo ya hlobo e laolwa ke themphereitjhara (e tlasa 0 degrees C ho isa ho 50 degrees C) ya sejothollo le boteng ba metsi le okesijene. Hlobo e sebedisa phofodi ya metsi eo matla a yona a laolwang ke boemo ba tekatekano pakeng tsa metsi a lokolohileng ka hara sejothollo (mongobo wa peo) le phofodi ya metsi a potapotileng karolo e ka hare ya peo.
Di baka tshenyo le tahlehelo ya menontsha.
Tshebetso ya popeho ya dijo e eketsa mongobo le themphereitjhara ya sejothollo.
Di sebetsa e le dijari tsa dibaktheria.
Dilahlwa tsa dikokwanyana le tsa dikokwanyana tse nyane haholo di fetoha sebaka moo kokwanyana tsena di holang ho sona.
Ho fokotswa ha dikarolo tse ka hare tsa peo ho fokotsa nako ya bophelo ba ho bolokwa ha tsona haholo.
Dihlahiswa tsena tsa tlatsetso ke tse hlahiswang ke diphedi (organisms) tse phelang, ho kenyelleditswe hlobo tse seng bohlokwa hakaalo kgolong, empa tse tjhefo haholo diphoofolong, bathong le dimeleng.
Ditjhefo (mycotoxins) tsena tse bakwang ke fungus (kwaekgwabana) ho ithutilwe haholo ka tsona haesale ho tloha ka 1961 ha sehlopha sa ditjhefo tse kotsi Aspergillus flavus toxins le "aflatoxins" se ne se qollwa. Tshebetso efe kapa efe e sitisang botsitso ba sephedi e hlahisa dihlahiswa tse ka thoko tsa mofuta ona wa ditjhefo. Tshebetso tsena di kenyelletsa tshebediso a batsi ya manyolo le dibolayakokwanyana hammoho le ho lengwa ha dimela tse fapaneng tsa kuno e phahameng le hoja palo ya tsona e se ngata.
Ditjhefo tsena di se di kenyelleditswe mefuteng e mengata ya malwetse a batho le a diphoofolo le/kapa malwetseng a anima, a bang teng mefuteng e fapaneng ya dijothollo. Ditjhefo tsena di ka hlahisa malwetse a tjhefo a matla (nakong e kgutshwane) le a sa foleng (nako e telele) a ka bakang lefu kapa ho kgathatsana le tshebetso ya methapo, pelo, a matshwafo, hammoho le menontsha mmeleng (qoqotho). Tse ding tsa tjhefo ena di ka baka kankere, ho ema ha tshebetso ya ditho, le ho kena ha bonolo ha malwetse. Aflatoxin B ke e nngwe ya ditjhefo tse tsebahalang haholo ka ho baka kankere.
<fn>PulaImvula. Sunflower.2008-02.st.txt</fn>
Photo 4: Tshenyo e kgolo e ba dihloohong, mme tlhaselo e matla e etsa hore tlhahiso ya soneblomo e se kenye tjhelete.
Ke feela tse ding tsa dikokwanyana tse itseng, tse fumanwang semeleng sa soneblomo, tse ka tadingwang e le tsa sehlopha sa tse tshwenyang (pests) - ke dikokwanyana tse ngata tse ka fumanwang semeleng sa soneblomo, ntle le kotsi ya letho semeleng. Dikokwanyana tse ka bang kotsi soneblomong ke tse jang peo e jetsweng, peo e hlahang, peo e seng e hlahile, semela se tswelang pele, metso kapa karolo e ka hare ya peo.
Taolo ya dikokwanyana e itshetlehile haholo ka dibolayakokwanyana (dikhemikhale tse tjhefo dikokwanyaneng), tse tshwanetseng ho sebediswa ka nako tse nepahetseng, ka tekanyo tse nepahetseng, mme haholoholo ka ho fetisisa, ke tjhefo e nepahetseng mabapi le kokwanyana e itseng. Ho teng dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng hore di sebediswe dikokwanyaneng kaofela tse hlaselang semela sa soneblomo - ha o sebedisa dikhemikhale tse ngodisitsweng, ka tekanyo e kgothaleditsweng, o batla o ena le bonnete ba diphetho tse ntle. Katamelo e kopanetsweng taolong ya dikokwanyana hangata ke yona e hlwahlwa ka ho fetisisa - mekgwa e a kopanngwa ho hatella le ho kgina palo ya dikokwanyana le tshenyo ya tsona.
Ho teng dikokwanyana tse fapaneng tse jang dipeo le dipeo tse hlahang, jwalo ka wireworms, seboko se holang sa kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone, sesedi, jj. (ho bolela e seng mekae feela). Kokwanyana tsena di fokotsa palo ya dikokwanyana, mme ha di sa laolwe, ho ka nna ha tshwanela hore ho jalwe hape. Taolo e nepahetseng ya kokwanyana tsena e itshetlehile ka tshebediso e nepahetseng ya dibolayakokwanyana. Taolo ya dikokwanyana tsena ka kakaretso e batla e sa phahama ka ditjeo, e le bonolo, empa ho tshwanetse ho hlokomelwa ho nkwa mehato ya thibelo ya tshenyo dijothollong. Sena se tshwanetse ho etswa mohatong ona wa pele.
Ho phetholwa ha mobu nakong ya mariha ho tla thusa taolong ya bongata ba kokwanyana - nako ya matsatsi a 35 kapa ho feta ntle le ho hlaselwa ha semela, ho tla fedisa bongata ba tsona.
Peo e tshwanetseng ho jalwa e ka sebetswa ka dibolayakokwanyana, kapa dibolayakokwanyana di ka sebediswa diforong nakong ya ho jala. Sesedi se ka laolwa ka ho qhalanya tjhefo ena diforong tsa mobu. Masimo a poone le ona a ka nna a fafatswa ka dibolayakokwanyana.
Dikgolabolokwe tse maqaphaqapha tsa poone (astylus atromaculatus), sesedi (agrotis segetum), 'doodhouertjie' beetle (protostrophus sulcatifrons) le mofuta wa harpalus beetle, di baka tshenyo e kgolo dimeleng tse sa tswa hlaha, mme di ka fokotsa palo e ntle ya dimela masimong, mme ya di beha boemong bo tlase ba tlhahiso, bo se nang phaello ya letho.
African bollworm (helocoverpa armigera) e baka tshenyo hloohong ya soneblomo, mme e ka ba ya baka monyetla wa tlhaselo ya malwetse a bolele (fungal) a kang rhizopus microsporus. Dikokwanyana tse nyanyang, tse kang, nysius nataensis le tsona di ka baka tshenyo peong e ntseng e tswela pele ya soneblomo.
Ho teng dibolayakokwanyana tse mmalwa tse ngodisitsweng mabapi le taolo ya mefuta e fapaneng ya dikokwanyana tse hlaselang semela. Le ha ho le jwalo, kutlwisiso e tshwanetse ho ba teng ya hore ke kokwanyana efe e bakang tshenyo, ebe ke hona moo ho sebediswang sebolayakokwanyana se nepahetseng, ka sekgahla se nepahetseng, le ka nako e nepahetseng. Hona ho fapana feela ho ya ka kokwanyana le ka mohato oo semela se seng se le ho ona.
Taolo ya tse tshwenyang kaofela e ka fokotsa tahlehelo kunong, empa e kgema mmoho le ditjeo, mme molemi o tshwanetse ho ela hloko ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena. Mohato oo taolo ya tse tshwenyang e seng e hlokahala haholo ho ona, o tshwanetse hore o be o tsejwa - ho teng mohato o seng o hloka hore tjhelete kaofela ka tlung jwale e sebedisetswe ho laola tse tshwenyang (pests), ho seng jwalo, kgwedi e tla be e se e apohetswe ke maru, ka ha tshenyo dijothollong e tla be e feta ditjeo tsa phekolo.
Ha se tlwaelo e ntle ho fafatsa dibolayakokwanyana hodima dimela ha mehato ya tlhaselo e eso fihle maemong a hlokolosi. Lebaka la hona ke hobane tsa tlhaho tse phelang ka tse ding (predators) di a fediswa, mme ka mokgwa ona thibelo e ka nna ya eketseha e bang kgahlanong le tshebetso ya dibolayakokwanyana. Dikhemikhale di kotsi tikolohong, mme di tshwanetse ho sebediswa feela ha eba ho fela ho hlokahala ruri.
Ho phetholwa ha mobu pele semela se jalwa ke mokgwa o hlwahlwa wa thibelo kgahlanong le dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, mohato wa kokwanyana o tshwanetse ho behwa leihlo ho etsa bonnete ba taolo e baballang ka pokothong.
Ka kakaretso, ho bohlokwa ho ba le katamelo e kopanetsweng mabapi le taolo ya tse tshwenyang - sebedisa mokgwa ofe kapa ofe o bonahalang o lokela semela ka nako eo. Taolo ya dikokwanyana dijothollong ke ntlha ya bohlokwa tsamaisong ya dijothollo, ka ha e na le tshwaetso e hlahang ka mahetla kunong, mme ka baka leo, le tlhahisong e bonahalang hore e tla tshwarella mabapi le tjhelete e tla unwa ha mmela o ntse o puta.
Malwetse a dimela a fokotsa kuno le boleng ba tsona, hape a ka baka mathata a bophelo bo botle diphoofolong le bathong ba jang dimela tseo. Malwetse a dimela a bakwa ke bolele (fungi), dibaktheria le dikokwanahloko (viruses). Tsena di ka hlasela dikarolo tsohle tsa semela - metso, dikutu, mahlaku le diqo. Malwetse a fapaneng a hloka maemo a fapaneng tswelopeleng ya ona.
Bolwetse bo kgona ho tswela pele ha feela maemo a tikoloho a bo lokela, ha semela se hlaselwang se le teng, mme le bolwetse bo le teng. Dintlha tsena ka boraro ba tsona di ka bitswa kgutlotharo ya tlhaselo ya bolwetse. Ha e nngwe ya tsona e le siyo, bolwetse bo ke ke ba kena. Bolwetse bo bang teng sehleng se itseng, lebatoweng le itseng, bo ka nna ba eba siyo lebatoweng leo, sehleng se hlahlamang. Lebaka ke hore maemo a tikoloho ha a yo. Ka baka la tse ngata tse tshwanelang ho sebediswa tlhahisong ya soneblomo, hangata ho batla ho sa baballe tjhelete ho laola malwetse ka dikhemikhale. Malwetse a itseng a dula a le teng ka nako tsohle, empa ha a tswele pele hobane le leng la mahlakore ana a mararo a kgutlotharo le ye be le le siyo. Malwetse a laolwa ka ho nka mehato ya thibelo. Ho sa le teng dintlha tse itseng, tse lokelang ho behwa leihlo mehatong ya taolo le thibelo ya malwetse.
Mefuta e itseng ya dipeo e se e ile hlahiswa, e leng e bang kgahlanong le bolwetse. Kganyetso le ha ho le jwalo, ke e kgahlanong le bolwetse bo ikgethileng, ha se e akaretsang malwetse kaofela. Ke taba ya bohlokwa he, ho hlwaya bolwetse bo atileng, mme e be hona o kgethang mofuta wa peo e lokelang.
Taolo ka dikhemikhale e hloka ngodiso ya phekolo kgahlanong le difungi le dibaktheria mabapi le bolwetse bo ikgethileng, tlasa maemo a ikgethileng. Ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena di tshwanetse ho nahanwa pele ho ka nkwa mehato efe kapa efe - ho bohlokwa ho ikopanya le moemedi ya tsebang ka dikhemikhale, wa lefapha le haufi le wena la tsa temo, kapa khamphane ya tsa temo, ho fumana keletso mabapi le tshebediso ya dikhemikhale.
Ho phetholwa ha mobu ho ka ba bohlokwa taolong ya malwetse - malwetse a mang a ipata ka hara dikutu tse saletseng tsa dimela masimong, mme mokgwa wa ho phethola o tshwanetse ho kenyeletsa taba ya malwetse a fapaneng a leng teng.
Sepheo sa phapanyetso ya dimela ke ho fana ka nako e lekaneng ya ho bola ha dimela. Ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke malwetse afe a jarwang ke dimela dife, e le ho tiisa hore qaka e rarollwa ka phapanyetso efe, ya dimela dife.
Nako ya ho jala le yona e na le tshwaetso e itseng mabapi le bolwetse bo itseng - ho jala pele kapa morao ho ka fokotsa kotsi ya ho tswela pele ha bolwetse.
Dintlha tse ikgethileng tsa kgatello di ka nna tsa ama malwetse a dimela. Dintlha tse bakang kgatello dimeleng di kenyeletsa mongobo (o phahameng haholo kapa o tlase haholo), motjheso, serame, menontsha e sa lekaneng, esiti mobung le tshenyo ya dikokwanyana.
Taolo e ntle ya malwetse e hloka ho fediswa ha le leng la maoto a mararo a kgutlotharo ya bolwetse. Sena se fihlellwa hantle haholo ka ho sebedisa mokgwa o kopanetsweng wa taolo ya malwetse.
Malwetse a pustule a bakwang ke Septoria hangata a fella mahlakung. Tshwaetso/tlhaselo ya alternaria e bonahala ka popeho ya pustule tse fifetseng dikutung, dikgopo tsa mahlaku hloohong ya soneblomo.
Kokwanahloko e bakang bolwetse bona e tsamaiswa ke ditsie, mme ke bothata bo atileng mabatoweng a tlase (Lowveld) le moo koro e hlahiswang teng. Dimela di hlaselwa hang feela ha di qeta ho hlaha, di a kgineha, mme di ke ke tsa hlahisa dijothollo.
Bona ke bo bong ba malwetse a senyang ka ho fetisisa hara malwetse a bohlokwa a tummeng. Bolwetse bona bo laolwa ka phapanyetso ya dimela. Tlhaselo kutung e etsa hore ho be teng dibaka tse kgolo, tse fokodiswang, tse sitwang ho tswela pele ka hodima mobu. Boemo bona bo ka kgannela moo semela se kobehang le ho putlameng nakong tsa meya e matla. Eba moo dihlooho di thetsang mobu, e leng se ka kgannelang tlhaselong e eketsehang ya bolwetse ba bolele (fungal) le pele ho simollwa ka kotulo.
<fn>PulaImvula. SunflowerOpot.2009-01.st.txt</fn>
Ke feela tse ding tsa dikokwanyana tse fumanwang dimeleng tsa soneblomo tse ka hlophiswang e le tse tshwenyang. Dikokwanyana tse behang soneblomo kotsing di ka nna tsa eja peo, peo e hlahang, peo e seng e hlahile, semela se ntseng se tswela pele, metso le karolo e ka hare ya peo e ntseng e tswela pele.
Taolo ya dikokwanyana e itshetlehile haholo ka dibolayakokwanyana (dikhemikhale tse tjhefo dikokwanyaneng). Ho teng dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng ho ka sebediswa dikokwanyaneng kaofela tse hlaselang semela sa soneblomo. Katamelo e kopanetsweng taolong ya dikokwanyana hangata ke e sebetsang ka matla ka ho fetisisa - mekgwa e a kopanelwa ho hatella palo ya dikokwanyana le ho kgina tshenyo ya dikokwanyana.
Ho teng dikokwanyana tse fapaneng tse jang dipeo le dipeo tse hlahang, mohlala, wireworms, seboko se holang sa kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone, sesedi, jj. (ho bolela e seng mekae feela). Kokwanyana tsena di fokotsa palo ya dikokwanyana, mme ha di sa laolwe, ho ka nna ha tshwanela hore ho jalwe hape. Taolo e nepahetseng ya kokwanyana tsena ho itshetlehile ka tshebediso e nepahetseng ya dibolayakokwanyana haholoholo nakong ya ho jala.
Ho phetholwa ha mobu nakong ya mariha ho tla thusa taolong ya bongata ba kokwanyana - nako ya matsatsi a 35 kapa ho feta ntle le semela se ka hlaselwang, ho tla fedisa bongata ba tsona.
Peo e tshwanetseng ho jalwa e ka sebetswa ka dibolayakokwanyana, kapa dibolayakokwanyana di ka sebediswa diforong nakong ya ho jala. Sesedi se ka laolwa ka ho qhalanya tjhefo ena diforong tsa mobu. Masimo a poone le ona a ka nna a fafatswa ka dibolayakokwanyana tse nepahetseng.
Dikgolabolokwe tse maqaphaqapha tsa poone (astylus atromaculatus), sesedi (Agrotis segetum), 'doodhouertjie' beetle (Protostrophus sulcatifrons) le mofuta wa harpalus beetle, di baka tshenyo e kgolo dimeleng tse sa tswa hlaha, mme di ka fokotsa palo e ntle ya dimela masimong, mme ya di beha boemong bo tlase, ba tlhahiso, bo se nang phaello ya letho.
African bollworm (Helocoverpa armigera) e baka tshenyo hloohong ya soneblomo, mme e ka ba ya baka monyetla wa tlhaselo ya malwetse a bolele (fungal) a kang Rhizopus microsporus. Dikokwanyana tse nyanyang, tse kang, Nysius nataensis le tsona di ka baka tshenyo peong e ntseng e tswela pele ya soneblomo.
Ho teng dibolayakokwanyana tse mmalwa tse ngodisitsweng mabapi le taol ya mefuta e fapaneng ya dikokwanyana tse hlaselang semela. Le ha ho le jwalo, kutlwisiso e tshwanetse ho ba teng ya hore ke kokwanyana efe e bakang tshenyo, ebe ke hona moo ho sebediswang sebolayakokwanyana se nepahetseng ka sekgahla se nepahetseng le ka nako e nepahetseng. Hona ho fapana ho ya ka kokwanyana le ka mohato wa tswelopele ya semela.
Taolo ya tse tshwenyang e ka nna ya fokotsa tahlehelo kunong, empa sena se tsamaya mmoho le ditjeo/ditshenyehelo. Mona mohlahisi o tshwanetse ho ela hloko ditjeo tse ka bapiswang tsa phekolo kapa thibelo. Ho se ho entswe ditekanyetso tsa mehato eo ho yona taolo ya tse tshwenyang e seng e le mpe haholo - ho teng mohato oo ho ona e leng tlameho ho senyehelwa ke tjhelete twantshong ya tse tshwenyang. Ho seng jwalo, tshenyo e tla bat eng ke e fetang tjhelete eo o reng o e babaletse.
Ha se tlwaelo e ntle ho fafatsa dibolayakokwanyana hodima dimela ha mehato ya tlhaselo e eso fihle maemong a hlokolosi. Lebaka la hona ke hobane tsa tlhaho tse phelang ka tse ding di a fediswa, mme ka mokgwa ona thibelo e ka nna ya eketseha e bang kgahlanong le tshebetso ya dibolayakokwanyana.
Ho phetholwa ha mobu pele semela se jalwa ke mokgwa o hlwahlwa wa thibelo kgahlanong le dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, mohato wa kokwanyana o tshwanetse ho behwa leihlo ho etsa bonnete ba taolo e baballang ka pokothong.
Ho teng dimela tse itseng tse nang le kganyetsano ya tlhaho kgahlanong le dikokwanyana tse itseng - ho teng menyetla ya nako e kgutshwane mona (e leng sejothollo se ke ke sa tlameha ho fafatswa), hammoho le menyetla ya nako e telele (e leng hore palo ya dikokwanyana e tla kgona ho fokotswa nakong e batlang e le telele).
Ka kakaretso, ho bohlokwa ho ba le katamelo e kopanetsweng mabapi le taolo ya tse tshwenyang - sebedisa mokgwa ofe kapa ofe o bonahalang o lokela semela ka nako eo. Taolo ya dikokwanyana dijothollong ke ntlha ya bohlokwa tsamaisong ya dijothollo, ka ha e na le tshwaetso e hlahang ka mahetla kunong, mme ka baka leo, le tlhahisong e bonahalang hore e tla tshwarella mabapi le tjhelete e tla unwa ha mmela o ntse o puta.
Malwetse a dimela a fokotsa kuno le boleng ba tsona, hape a ka baka mathata a bophelo bo botle diphoofolong le bathong ba jang dimela tseo. Malwetse a dimela a bakwa ke bolele (fungi), dibaktheria le dikokwanahloko (viruses). Tsena di ka hlasela dikarolo tsohle tsa semela - metso, dikutu, mahlaku le diqo. Malwetse a fapaneng a hloka maemo a fapaneng tswelopeleng ya ona.
Bolwetse bo kgona ho tswela pele ha feela maemo a tikoloho a bo lokela, semela se hlaselwang se le teng, mme le bolwetse bo le teng. Dintlha tsena ka boraro ba tsona di ka bitswa kgutlotharo ya tlhaselo ya bolwetse. Ha e nngwe ya tsona e le siyo, bolwetse bo ke ke ba kena. Bolwetse bo bang teng sehleng se itseng, lebatoweng le itseng, bo ka nna ba eba siyo lebatoweng leo, sehleng se hlahlamang. Lebaka ke hore maemo a tikoloho ha a yo. Ka baka la tse ngata tse tshwanelang ho sebediswa tlhahisong ya soneblomo, hangata ho batla ho sa baballe tjhelete ho laola malwetse ka dikhemikhale. Malwetse a itseng a dula a le teng ka nako tsohle, empa ha a tswele pele hobane le leng la mahlakore ana a mararo a kgutlotharo le ye be le le siyo. Malwetse a laolwa ka ho nka mehato ya thibelo. Ho sa le teng dintlha tse itseng, tse lokelang ho behwa leihlo mahatong ya taolo le thibelo ya malwetse.
Mefuta e itseng ya dipeo e se e ile hlahiswa, e leng e bang kgahlanong le bolwetse. Kganyetso le ha ho le jwalo, ke e kgahlanong le bolwetse bo ikgethileng, ha se e akaretsang malwetse kaofela. Ke taba ya bohlokwa he, ho hlwaya bolwetse bo atileng, mme e be hona o kgethang mofuta wa peo e lokelang.
Taolo ka dikhemikhale e hloka ngodiso ya phekolo kgahlanong le difungi le dibaktheria mabapi le bolwetse bo ikgethileng, tlasa maemo a ikgethileng. Ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena di tshwanetse ho nahanwa le tsona.
Ho phetholwa ha mobu ho ka ba bohlokwa taolong ya malwetse - malwetse a mang a ipata ka hara dikutu tse saletseng tsa dimela masimong, mme mokgwa wa ho phethola o tshwanetse ho kenyeletsa taba ya malwetse a fapaneng a leng teng.
Sepheo sa phapanyetso ya dimela ke ho fana ka nako e lekaneng ya ho bola ha dimela. Ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke malwetse afe a a tsamaiswang ke dimela dife, e le ho etsa bonnete bah ore qaka e rarollwa ka phapanyetso efe ya dimela dife.
Nako ya ho jala le yona e na le tshwaetso e itseng mabapi le bolwetse bo itseng - ho jala pele kapa morao ho ka fokotsa kotsi ya ho tswela pele ha bolwetse.
Dintlha tse ikgethileng tsa kgatello di ka nna tsa ama malwetse a dimela. Dintlha tse bakang kgatello dimeleng di kenyeletsa mongobo (o phahameng haholo kapa o tlase haholo), motjheso, serame, menontsha e sa lekaneng, esiti mobung le tshenyo ya dikokwanyana. Taolo e hlwahlwa ya malwetse e hloka ho fediswa ha bonyane le leng la maoto a kgutlotharo ya bolwetse. Sena se fihlellwa hantle ka ho sebedisa mokgwa o kopanetsweng wa taolo.
Malwetse a pustule a bakwang ke Septoria hangata a fella mahlakung. Tshwaetso/tlhaselo ya Alternaria e bonahala ka popeho ya pustule tse fifetseng dikutung, dikgopo tsa mahlaku hloohong ya soneblomo.
Kokwanahloko e bakang bolwetse bona e tsamaiswa ke ditsie, mme ke bothata bo atileng mabatoweng a tlase (Lowveld) le moo koro e hlahiswang teng. Dimela di hlaselwa hang feela ha di qeta ho hlaha, di a kgineha, mme di ke ke tsa hlahisa dijothollo.
Hona mohlomong ke malwetse a bohlokwa, a tummeng, a tsamaisang tshenyo e kgolo, mme ona a ka laolwa ka phapanyetso ya dimela.
Tlhaselo kutung e ka baka dibaka tse kgolo, tse fokodiswang ho ka tswela pele ka hodima mobu, mme e ka kgannela ho kobeheng le ho putlma ha semela nakong tsa meya e matla. Eba moo dihlooho di thetsang mobu, e leng se ka kgannelang tlhaselong e eketsehang ya bolele le pele ho simollwa ka kotulo.
Tshenyo e kgolo e ba dihloohong, mme tlhaselo e phahameng e putlamisa tlhahiso ya soneblomo, haholo lehlakoreng la tjhelete.
Bolwetse bona bo ka ba teng neng kapa neng nakong ya sehla, mme bo phatlalla le dikutu tsa dimela ka tshebetso ya marothodi a metsi. Dimela tse hlasetsweng di fokodiswa ke dihlooho tse tlatsitsweng hampe.
Bolwetse bona bo se bo bakile tahlehelo tse kgolo kgwebong dilengwaneng tse sa tswa feta, mme bo kgannela ho putlameng ha dimela.
Letshwao le tlwaelehileng ke la ho bola ho bosootho bo bonojana karolong e ka morao ya hlooho.
<fn>PulaImvula. SunflowerProduction.2007-11.st.txt</fn>
Soneblomo ke e nngwe ya dijothollo tsa bohlokwa ka ho fetisisa dipeong tsa oli tse hlahiswang Afrika Borwa, tsa palohare ya nako e telele ya ditone tsa metriki tsa 650,000.
Peo e phahameng ya oli ya soneblomo, e nang le oli e fihlelang mothamo wa 44% wa oli, e etsa karolo e kgolo ya tlhahiso. Peo ya soneblomo, ya boemo bo tlase ba oli, bo pakeng tsa 25% le 38%, e sebediswa indastering tsa metswako ya tse tswekere hammoho le dijong tsa dinonyana. Soneblomo e ka hlahiswa dikarolong tse ngata tsa naha moo pula e fetang 475 mm le ho feta 675 mm ka selemo. Le ha ho le jwalo, hore ho fihlellwe tlhahiso e tshwarellang ya soneblomo tikolohong efe kapa efe, tlhahiso ya dijothollo tsena e tlamehile hore e be e nang le phaello. Theko ya soneblomo nakong ya jwale e phahame haholo, mme e lebelletswe hore e tla dula e le jwalo bonyane nakong ena yohle ya sehla sena.
Peo ya boleng bo phahameng, ya boemo bo lekanang, e melang ha bonolonolo, bohlweki ba mefuta e tsebahalang ya mabasetere (hybrid), le bolokolohi ba dipeo kgahlanong le dipeo tsa mahola hammoho le malwetse, ke tsona tse tshwanetseng ho kgethwa e le ho fokotsa dikotsi tse ka amang tlhahiso. Peo e tswang mefuteng e hlahisitsweng e le ho fihlella kuno e phahameng ya dijothollo, e ke ke ya sebediswa, mme ya jalwa dihleng tse hlahlamang. Dipeo tsena di tla rakalla, me di fetohele hape mofuteng o hlaha wa peo ya soneblomo, e leng o nang le dihloho tse ngata. Mofuta ona ha o motle mabapi le ho kotulwa ka motjhine. Hape o tla ba le tlhahiso e fokolang ya peo.
Boteng ba komello mahareng a lehlabula, ho tloha mahareng a Tshitwe ho isa mahareng a Pherekgong, e leng bo ka lebellwang dibakeng tse ngata tsa tlhahiso ya soneblomo, bo na le tshusumetso e kgolo mabapi le ho laola nako ya ho jala. Ka ha ho hlaha ha dipalesa ho nepana le nako ya tlhoko ya metsi ya semela sa soneblomo, mme hape nako ena ke eo semela se tshabanang haholo le komello, nako ya ho jala e tshwanetse ho kgethwa ho ntse ho tadimilwe hore nako ya dipalesa e se thulane le ya komello e kgolo. Menyetla ya mathata e mengata ha eba peo ya soneblomo e jalwa e sa le pele mebung e ommeng haholo ka tlase. Moo dipula tsa ho jala di bileng ntle, mme mobu o le metsi, disoneblomo tsa jalwang e sa le pele di na le menyetla e metle ya ho hola hantle.
Qeto ya hore motho a jale e sa le pele kapa hamorao e tla laolwa feela ke bongata ba metsi nakong ya ho jala, hammoho le hore na komello e bohale ho le hokae sebakeng seo, le hore e ba teng kgafetsa hakae moo. Ka lehlakoreng le leng, nako ya ho jala e sitwa ho diehiswa nako e telele haholo, ka ha nako ya popeho ya dijothollo e fihla nakong eo mahlasedi a letsatsi le themphereitjhara di leng tlase, mme sena se baka kuno tse fokotsehileng haholo.
Ka kakaretso, dinako tse ntle haholo tsa ho jala di ka shejwa ka mekgwa ena: mabapi le dibaka tse phodileng tse ka botjhabela, ho tloha mathwasong a Pudungwana ho isa bekeng ya pele ya Tshitwe; dibaka tse mahareng ho tloha bekeng ya ho qetela ya Pudungwana ho fihlela qetellong ya Tshitwe; dibaka tse ommeng tse ka bophirimela, ho tloha bekeng tse pedi tsa ho qetela tsa Tshitwe ho fihlela mahareng a Pherekgong. Ke taba e tshwanetseng ho hopolwa hore ho jala ho sa tsotellwe dinako tsena ho fokotsa tlhahiso ya dijothollo.
Soneblomo e ka jalwa botebo bo pakeng tsa 2,5 cm le 5 cm, ho itshetlehilwe ka mofuta wa mobu le nako ya ho jala. Ho jala ho tshwanetse hore ho se tebe mebung e boima, empa ho tebe mebung ya lehlabathe. Ke taba ya bohlokwa hore peo e jalwe mobung o mongobo o lekaneng hore e kgone ho mela. Kamano e ntle pakeng tsa peo le mobu e bohlokwa haholo. Peo di tshwanetse ho jalwa ka ho lekana, mme le botebo bo se fapane. Ho lekana ha bokahodimo ba mobu ho bohlokwa feela jwalo ka palo ya dimela tse tla ba teng qetellong, ka ha mona ho shebilwe tlhodisano e tla ba teng pakeng tsa dimela tse atamelaneng.
Palo ya dimela tse ka tshehetswang sebaka sa yunite ka nngwe e itshetlehile haholoholo ka bongata ba metsi a fumanehang. Palo ya dimela yunite ka nngwe e bohlokwa le ho feta bophara ba mela. Bophara ba mela maemong a ommeng bo ka fapana ho tloha ho 0,91 m ho isa ho 2,1 m kapa 2,3 m, ho itshetlehilwe ka disebediswa tsa metjhine tse leng teng hammoho le mokgwa o sebediswang wa ho phethola mobu.
Palo ya dimela e leng tlase haholo e kgina matla a kuno, mme palo e phahameng haholo yona e kgannela kgatellong ya semela. Sena le sona se fokotsa kuno. Dimela tse jalwang di atamelane haholo di ba kotsing ya ho hlaselwa ke malwetse (jwalo ka ho bola ha kutu), mme ho putlama ha dimela ke ntho e atileng haholo.
Palo e kgothaletswang ya dimela (bonyane 20,000 ya dimela hekthareng ka nngwe mabatoweng ohle).
Ho kgothaletswa hore plantere e jale 10% ya peo ho feta e neng e rerilwe sebakeng sa qetello e le ho fokotsa tshenyo e biileng teng ya peo, ho se hlahe ha peo, tshenyo e bakilweng ke dikokwanyana kapa kgatello ka baka la dipula tse matla nakong ya ho hlaha ha peo. Ha eba sebaka sa ho qetela se ka etsa palo ya dimela e ka tlasa 20 000, taba ya ho jala hape e tshwanetse ho nahanwa ha eba nako ya ho jala e sa ntse e wela tlasa meedi e amohelehang.
<fn>PulaImvula. SupportMaize.2009-01.st.txt</fn>
Sepheo ka Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho tshehetsa balemi ba hlahileng ka mahetla ba tswang mokgweng dihlopheng tsa boithuto.
Bahlahisi bana ba hloka tshehetso e matla mabapi le morero wa tlhahiso, tsamaiso, tshebediso ya ditjhelete le dipehelo, jwalojwalo. Balemi ba hlwailweng ba tla fuwa tshehetso e tebileng ya nako ya selemo. Selemo le selemo ho tla hlwauwa balemi ba bang ba tla fumana tshehetso, mme ka mora moo ba tla lokela ho ka itjara le ho itsamaisa e le bona ka tshehetso e itseng ka mohala ho baofisiri ba lebatowa. Ha molemi a hlahisa ho feta ditone tse 250 ka selemo, o tla fetisetswa ho balemi ba lebatowa leo - ona ke mokgwa wa ho kenyeletsa balemi ba batsho lehlakoreng la bahwebi.
Balemi/bahlahisi bao e leng karolo ya lenaneo lena kaofela ba thuswa ka tlhahiso ya potefoliyo ena e kenyeletsang moralo wa kgwebo (business plan) ya sehla sena. Potefoliyo ena e thusa hore balemi ba kgone ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete diinstitusheneng tse fapaneng. Balemi ba etelwa bonyane hang ka kgwedi ke mohokahanyi wa provense ya ba thusang ka moralo le ho beha leihlo mesebetsing ya bona, ho tloha tokisong ya mobu, ho ya fihla ho jalweng, ho lemeng, ho fafatseng, ho kotuleng le ho mmarakeng.
Re entse qeto ya hore tswelopele kgwebong e tshwanetse ho behwa leihlo le ho ananelwa, mme ka baka lena ho ile ha tshwarwa moketjana moo ho neng ho menngwe balemi ba itseng hore e be ditho tsa 250 Ton Club. Re na le mekgahlelo ya 250 Ton, 500 Ton le 1 000 Ton - balemi ba ile ba hlomphuwa le ho fuwa 'dibetjhe' tse supang botho ba bona sehlopheng. Re tshepa hore re tla kgona ho bontsha indasteri hore ruri tswelopele e teng e shebileng nqa ya kgwebong.
<fn>PulaImvula. SurveyMaize.2010-02.st.txt</fn>
Fana ka dikarabo dintlheng tse latelang tsa tekolo ena.
Diforomo kaofela tse tlatsitsweng tsa tekolo ena di tla kenela tlhodisano ena. Bahlodi ba 10 ba lehlohonolo ba tla hapa mokotlana wa peo - e lekanang hekthara e le nngwe ya masimo.
O sehwai provenseng le seterekeng sefe?
Boholo ba polasi ya hao ke bo bokae?
O sehwai sa eng?
Na o romellwa Pula Imvula kgwedi le kgwedi?
Ke ba bakae ba lelapa la hao ba balang Pula Imvula?
O bala boholo bo bokae ba Pula Imvula?
O reng ka puo e sebediswang ho Pula Imvula?
Na o boloka dikopi tsa nako e fetileng tsa Pula Imvula?
Ditaba tse ngotsweng ho Pula Imvula di nepana ho le hokae le wena?
O ka hlalosa Pula Imvula e le boemong bofe?
Ke ditaba dife tseo o tla rata hore ho buuwe ka tsona nakong e tlang?
Ho ka etswa eng ho ntlafatsa Pula Imvula?
<fn>PulaImvula. Sustainable.2009-12.st.txt</fn>
Bohwai ba sebele: hobaneng bo nka nako e telele hakana?
Re lomahantse meno tekong ya ho ntshetsa pele balemi ba batsho, ba hwebang, ba thusitsweng ho ba le bokgoni, ba tla kgona ho itshebeletsa ka bolokolohi, ba ikemetse, tshebetso ya bona e le e tshwarellang. Tikolohong ya jwale ya ikonomi, ena e sa le taba e thata - le ha eba wena o motho ya inehetseng, eo merero ya hao e leng metle. Ha eba temo Afrika Borwa e lokela ho atleha le ho tshwarella, re tlamehile ho ba le phetoho ya nnete indastering hore re kgone ho bua ka ntswe le le leng le kopaneng.
Ha ho letho le bonolo ka bohwai ba polasi, mme balemi ba lokela ho shebana le dintho tse ngata. Hape ba lokela ho ipeha maemong a kotsi.
Ditheko tse tlase tsa dijothollo di beha kgatello e kgolo phaellong e tswang tlhahisong ya dijothollo.
Sekgahla sa tswala se phahame, mme ditjeo tsa metjhine le tsona ke tse phahameng haholo.
Balemi ba nang le boiphihlelo ba hula ka tlhako tsa morao - jwale re tla reng ka balemi ba ntseng ba thuthuha Ba hula ka tlhako tsa morao le ho feta?
Mmuso o ka thusa jwang?
Mothating ona, molemo wa tlhahiso ya dijothollo ke wa balemi ba lekang ho tswela pele empa ba sitwa ho hlahisa dijothollo tsa letho ka mokgwa o tshwarellang. Re dumela hore boemo bona ha se ba dinako tsohle, le hore ditheko tsa dintho di tla phahama. Le ha ho le jwalo, nakong e kgutshwane, re tlamehile ho tshehetsa balemi bana ba dijothollo ka tjhelete e tla tla ka mokgwa wa thuso ya mmuso (grant) - ebang e ka ba ka mokgwa wa thuso ditjeong tsa tse kenngwang mobung, kapa ka teboho ho ya ka ditone tse hlahisitsweng. Molemo mokgweng wa ho leboha ho ya ka ditone tse hlahisitsweng ke hore mona ho lebohuwa bao ba sebetsang - ena e ka nna ya eba tsela e thusang bao ba inehetseng, ba nang le bokgoni hore ba se hetle morao, empa ba hle ba kene ka setsotswana, ebe balemi ba feletseng, ba hwebang ba lomahantse meno ruri.
Bothata bo bong bo boholo bo shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha ke boemo ba diterekere le disebediswa - re hloka mofuta o itseng wa tshehetso ya ditjhelete e le hore balemi ba ka thuswa ho ntjhafatsa disebediswa tsa bona. Ho teng mafapha a mangata a mmuso a thusang dihlopha tsa balemi ka diterekere le disebediswa. Hona e ka ba thuso ya nakwana. Le ha ho le jwalo, thupelo le ntshetsopele di sa hlokahala hore balemi ba ithute mokgwa wa ho hlokomela disebediswa tsena. Ha ntho e ena le monga yona, empa e sebediswa ke batho ba bangata, ha ho ya tla e hlokomela, mme ha ho ya tla jara boikarabelo. Ho teng mehlala e mengata moo disebediswa di ileng tsa nehwa batho, mme tsa tlohelwa di le jwalo ho fihlela di qetella di senyehile ka hohlehohle. Ona ha se mokgwa o tshwarellang.
Diofisiri tsa katoloso di tlamehile ho boela di rupelwa hape, ho fuwa bokgoni hape, le ho fuwa tjheseho le mafolofolo - ho sa na le palo e kgolo ya baatolosi bana. Ba tshwanetse hore ebe ba se ba ntse ba thusa balemi mane masimong.
Bothata bo bong bo boholo bo shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha ke tumello ya tlhahiso ka mokgwa wa ho nka thepa ka molato (credit). Ba bangata ba na le masimo, ba na le metjhine (e meng le hoja e se boemong bo botle), ba a kwetliswa le ho tshehetswa, empa ba hloka tjhelete. Ditjeo kaofela tsa ho hlahisa dijothollo di phahame haholo - pakeng tsa R4 000 le R5 000 hekthara ka nngwe (ho ya ka mofuta wa sejothollo, le hore se jalwa hokae, jwalojwalo). Tshimolohong re ne re thabile haholo ka ho kena ha diagribusiness mabapi le ho thusa ka ditjhelete tsa tlhahiso baleming ba ntseng ba thuthuha, mme re tlamehile ho eketsa ka ho re ho sa le teng ba bang ba dikgwebo tsena tsa temo (agri business) bao ruri ba tshehetsang balemi tataisong e ntle.
Ho thusa balemi phahamisong ya maemo le tlhokomelong ya diterekere le disebediswa tsa bona tsa temo.
Re reng ka tshebediso ya borakonteraka ba mapolasing?
O mong wa mekgwa e bonolo ka ho fetisisa ya ho etsa etsa hore mobu o be le tlhahiso ke ho sebedisa borakonteraka ba mapolasi. Sena se lekilwe ka makgetlo a mangata, mme boitatolo ha esale e ntse e le hore rakonteraka o tla sebetsa feela qalehong ya mosebetsi, mme hamorao molemi ka boyena o tla tswela pele ka mosebetsi.
Molemi ha a etse phaello e lekaneng e ka mo dumellang ho ithekela diterekere tsa hae le tsona disebediswa tse ding.
Keketseho ya ditjeo tlhahisong.
Tjhelete e sebedisitsweng ho rakonteraka e ka be e sebedisitswe ho ntlafatseng le ho hlokomeleng diterekere le disebediswa tsa molemi.
Balemi ha ba a kena ka setotswana mosebetsing wa polasi, mme ha ba a matlafatswa ho ka ikemela ba le bang.
Tikolohong ya rona e ommeng, hangata ke nako e kgutshwane feela e bang teng, e lokelang mekgwa e fapaneng ya ho phethola mobu. Ha rakonteraka a sebediswa sebakeng se nammeng haholo, hangata nakonyana eo re lahlehelwa ke yona, e leng e ka bakelang molemi tahlehelo ya dijothollo tsa hae (ho jala le ho fafatsa nako e ile).
Rakonteraka o lefuwa ho ya ka hekthara ka nngwe, e seng ho ya ka boleng ba mosebetsi o entsweng - ho sa tsotellwe hore na molemi o entse phaello kapa the; rakonteraka yena o fumana tjhelete ya hae. Taolo ya boleng ke taba e siyo ka bomadimabe - hape ka baka la boholo ba diprojeke.
Ho teng balemi ba batsho ba nang le bokgoni, ba bileng ba thusitsweng ho ba le bokgoni. Balemi bana ba tshwanetse ho hira masimo ho ba bang ba se nang tjheseho mosebetsing wa bona kapa ba hlokang bokgoni ba ho iketsetsa ka bobona. Mohatong ona, boholo ba masimo ke bo "sebetswang" ke ba dikgwebo tsa temo (agri businesses), mme ka baka lena masimo ana a sitwa ho wela matsohong a batho ba bang ba batsho. Balemi ba nang le bokgoni ba tshwanetse ho sebedisa masimo ana, mme ba kgone ho nama le ho hodisa mosebetsi wa bona wa temo.
Mabapi le balemi ba se nang disebediswa ho hang, kgopolo ke hore ka ho ba etsetsa mosebetsi ba ka nna ba bokella tjhelete e lekaneng ho ka simolla ba le bang ka mosebetsi wa bona. Ha ho na bopaki bo ka tshehetsang kgopolo ena - phaello e fumanwang tlhahisong ya dijothollo ke e nyane haholo, mme ka ho sebedisa borakontereka maemo ana a mpefala le ho feta.
Re dumela hore tharollo e ka ba efe?
Bohle ba nang le kabelo ba tlamehile ho sebetsa ka seriti, ba tsitlallele ho ntshetsa pele balemi - Mosebetsi wa polasi o itshetlehile haholo ka molemi ho feta ka masimo. Balemi ba batla ho itshebeletsa, e seng "ho sebeletswa".
Dumella molemi ho simolla ka seo a nang le sona - ho simolla hanyane masimong a manyane ke taba e tshireletsehileng. (Hopola hore motho ya batlang ho sebedisa masimo a hae o ile a nna a tswela pele ho fihlela kajeno ka bonyenyane ba tjhelete eo a ileng a nna a e fumana. Ha eba a kgona ho etsa phaello e nyane hekthareng ka nngwe ya masimo a hae, hoo ke tjhelete ya tlatsetso eo a neng a ke ke a ba le yona. Ka ho simolla ka mokgwa o monyane, le ho fokotsa monyetla wa dikotsi, ho etsa ntho e nepahetseng ka mokgwa o nepahetseng, molemi a ka ba le bokgoni le sebete).
O se ke wa qobella molemi ho sebedisa rakonteraka, empa thusa molemi ho hlokomela sesebediswa sa hae le ho etsa seo a ka kgonang ho se etsa ka boyena - ho ka ba molemo hore molemi a hirise masimo ao a sitwang ho a sebetsa, e le ha a ntse a hola le ho kena kgwebong.
Ho kenyeletsa moeletsi ke taba e ntle - empa motho ya jwalo ha se mang kapa mang! Moeletsi ke motho eo ruri a nang le tjheseho tswelopeleng ya molemi - ya tla sebedisa nako ya hae ho fetisetsa bokgoni le tsebo ho molemi, ya tla ba le pelo e telele le tshehetso. Kamano pakeng tsa batho bana ba babedi e tlamehile ho ba ntle - e thehwe hodima ho tshepana pakeng tsa batho ba babedi, ba hlomphanang, mme ho bohlokwa hore batho bana ba babedi e be ba thabileng, ba thabetseng ho ba kamanong e tjena, hobane ke seo taba ena e leng sona - kamano!
Dula o tsebisa balemi ditaba, o se ba teele ka thoko, o se ba etsetse diqeto tse ba amang "Ha ho letho la rona ka ntle ho rona!" ke puo e sebediswang haholo ke o mong wa mekgatlo ya batho ba holofetseng, mme puo ena e dumellana hantle le seo re buang ka sona mona.
Thusa balemi ho etsa tekolo e phethahetseng mapolasing a bona, diterekereng, disebedisweng, metjhineng, mehlapeng, dikolotong, maruong, jwalojwalo. Re tshwanetse ho thusa balemi ka hohlehohle, mme le bona ba tshwanetse ho utlwisisa hore eng ke eng, e ya hokae. Mohlala, ke matla a kW a makae ao molemi a nang le ona, hape ke boholo bo bokae ba masimo boo a ka bo kgonang ka matla a makalo?
Etsa bonnete hore molemi ke karolo ya lenaneo la kwetliso le ntshetsopele. Ho ba balemi ba feletseng, ba batsho, bahwebi ba makgonthe, ke mosebetsi wa nako e telele, mme diinstitushene tse ngata tse fapaneng di ka ba le diphehiso mona.
Lekola boleng ba kwetliso e ntseng e etswa. Bafani ba bang ba nang le tumello ya ho kwetlisa ha ba etse mosebetsi o motle haholo ka ha le bona ba ntse ba hloka boiphihlelo ka tsa temo O ke ke wa ithuta ka tsa temo ka ho sheba bukeng!
Boloka mosebetsi wa hao o le monyane, mme o kgona ho laoleha. Ntshetsopele ya balemi e hloka nako le tshehetso, mme ha mosebetsi o eba moholo haholo, dintho di atisa ho senyeha, mme qetellong projeke e swahlamane. Ke taba e ntle hore puo e re ke tshehetsa balemi ba 15 - 20. Nnete ke hore palo ena e kgona ho laoleha. Dikema tse ngata tsa balemi ba fetang 50 (qalehong) di se di wele putla hobane nnete ke hore ha ho matsoho a lekanenga ho etela balemi mona le mane. Hang ha projeke e se e qadile, palo e ka nna ya nyoloha selemo le selemo.
<fn>PulaImvula. TopsoilMaize.2009-02.st.txt</fn>
Exploding quote: "Mobu ke leruo la batho, ke leruo le letle ka ho fetisisa leo setjhaba se ka bang le lona. Ke mohlodi wa dijo tsohle le motheo wa tswelopele yohle. O bopilwe butlebutle ka mokgwa o ke keng wa lekanngwa, ka mengwaha e mengata. Mobu o potlaka ho senyeha, mme hang ha o senyehile, o ke ke wa boela wa ba teng, le yona melemo ya ona. Re tlamehile ke hona ho tshireletsa mehlodi ya rona ya mobu ka tlhokomelo e kgolo le ho e sebedisa ka bohlale, hobane setjhaba se phetseng hantle se ka bopuwa feela ka dihlahiswa tsa mobu o phetseng hantle." - JC Ross.
Mobu o bopilwe butlebutle ka mokgwa o ke keng la lekanngwa, ka mengwaha e mengata, o potlaka ho senyeha, mme hang ha o senyehile, o ke ke wa boela wa ba teng, le yona melemo ya ona.
Ha ho letho tlhahong le emeng tsi le sa tsitsinyehe. Ditshebetso tsa tlhaho, ho kenyeleditswe kgoholeho, di entse hore mobu o bopehe o etswa mafikeng. Phapang ya motheo le ha ho le jwalo e tshwanetse ho etswa pakeng tsa sekgahla sa phetoho jwalo ka ha e etsahala tlhahong, le sekgahla sa phetoho se tliswang ke ho kena dipakeng ha motho. Se nkang tlhaho makgolo kapa tsona dikete tsa dilemo ho di bopa, motho a ka di ripitla ka bosiu bo le bong ka tshebediso e bohlaswa ya mobu le mekgwa e hlokang boikarabelo temong.
Taolo ya kgoholeho e na le menyetla ho monga mobu le ho setjhaba - ho monga mobu mabapi le paballo ya mobu le mongobo, ho setjhaba ka mokgwa wa phokotseho ya merwallo, dinoka tse hlakileng le tlhokomelo e tlase ya ditsela tsa metsi, marokgo, jj.
Tahlehelo ya mobu le menontsha.
Tahlehelo ya metsi jwalo ka ha a phalla.
Masimo a sentsweng le mobu o sa hlahiseng letho.
Merwallo le komello.
Boleng bo fokotsehileng ba mobu.
Phokotseho ya tjhelete e kenang ya polasi.
Mobu o nyahladitsweng.
Ho nyopa ha dijothollo.
Phepelo e sa lekanang ya metsi.
Kgoholeho e bakwa ke dintho tse matla tse tharo, metsi, moya le leqhwa. Aforika Borwa, re tshwenyehile ka ho fetisisa ke kgoholeho ya metsi, mme sena se latelwe ke kgoholeho ya moya. Kgoholeho ya metsi e iponahatsa ka mekgwa e mmedi - letlapa le sephara la metsi le ho iketsa makala.
Ka tlwaelo, ho etsa tshingwana e bonojana, e bataletseng hantle ka ho lekana, mobu o ile wa thuuwa, wa etswa hore o lokolohe. Ho phetholwa ho honyane (minimum till) ho ntse ho sebediswa e le tharollo ya sejwalejwale qakeng ya ho lokolla mobu o ka hodimo. Sehla sa ho jala se boetse se fetohile sehla sa pula e ngata haholo e nang kgafetsa. Ha pula e ngata e kolobisa mobu maemong ana, taba ya pele e etsahalang ke ho bokella mobu, mme ka ho etsa jwalo, bongata ba dikarolwana tsa mobu bo a sileha, mme bo qetelle bo lokolohile ho ka phalla le metsi. Hang hoba pula e simolle, metsi a mangata a qalella ho phalla le motheo (slope), a nkile mobu le manyolo. Sena se ka etsahala dilemo tse ngata molemi a ntse a sa lemohe hore tshenyo e etsahetse, e ka bang makgolokgolo a ditone tsa mobu hekthara ka nngwe.
Hangata masimo ha a batalle ka ho lekana, mme le mobu ha o bonojana bo tshwanang hohle. Metsi a tla rata ho iketsa dinokananyana hang ha a tloha sebakeng se batlang se phahame. Dinokana tsena le tsona di rata ho kopana mmoho le ho phalla e le ntho e le nngwe forong. Ha eba motheo e le o molelele haholo, dinokana tsena di a ipokella, di a eketseha. Qetellong ho ba teng paterone e tshwanang le ya makalana, makala le kutu ya sefate. Ke ka hoo re buang ka ho iketsa makala.
Hang ha metsi a se a simolotse ho matha ka motjhophoro o itseng, matla a ho hohola, a bongata ba metsi, jwale a simolla ho eketseha. Ha paterone e kang ya makalana e se e fihlile moo diforo di ke keng tsa kgona ho thijwa, ke moo kgoholeho ya makalana e seng e kene. Kgoholeho ena e potlakang ya diforo e ka senya naha yohle, mme ya etsa hore naha eo e se lokele temo ya letho.
Meloko e hlahlamang e shebile rona ho baballa mobu mabapi le tlhahiso ya nako e tlang. Ka tsamaiso e hlwahlwa, kgoholeho ya mobu e ka thibelwa, mme re ka nnetefatsa hore re ba le masimo a ka sebediswang ka katleho.
<fn>PulaImvula. Track.2010-01.st.txt</fn>
Sepheo sa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho simolla le ho hlokomela ditshingwana tsa diteko moo balemi ba ka kgonang ho bona melemo ya tokiso e nepahetseng ya mobu, ho kenngwa ha manyolo, kgetho ya mofuta wa peo, taolo ya manyolo le dikokwanyana le kotulo.
Re ile ra kgona ho hloma ditshingwana tsa diteko tse 46 lebatoweng lohle le leng tlhokomelong ya lenaneo. Sepheo sa diteko ke ho bontsha mekgwa e metle ka ho fetisisa - manyolo/ho se sebedise manyolo; sekgahla se nepahetseng sa ho jala peo/ peo e ngata haholo kapa e nyane haholo; taolo e ntle ya mahola/bosiyo ba taolo ya manyolo. Haholoholo mabapi le balemi ba ituletseng thoko kwana mme ba sa tsebe ho ngola le ho bala, diteko tsena di bontsha balemi melemo ya ho etsa se nepahetseng ka nako e nepahetseng tlasa maemo a le mang a ba amang.
Matsatsi a balemi a fana la menyetla e metle ho bohle ba amehang, ho buisana le balemi le ho ba bontsha. Matsatsi ana a kenyelletsa basebeletsi ba lenaneo la rona hammoho le baemedi ba tswang dikhamphaneng tsa phepelo ya disebediswa tsa temo, ba agribusiness, ba inshorense ya dijothollo, ba thusang ka ditjhelete, jwalojwalo. Nakong ena yohle ya sehla sa ditjhelete, re bile le matsatsi a balemi a 65 - ba bileng teng e bile balemi ba pakeng tsa 8 le 250.
<fn>PulaImvula. TractorsMaize.2009-03.st.txt</fn>
Byline: Willie Kotze, Mohokahanyi wa kwetliso wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi.
Sehla sa tlhahiso ya hlabula se batla se fetile jwale boholong ba mabatowa, mme terekere tsa lona di tshwanetse hore ebe di sebeditse ka matla ho nnetefatsa hore o fumana kotulo. Jwale ke nako ya ho di beha leihlo hanyane ho tiisa hore di tla boela di eba boemong bo hlwahlwa hape ho ka o thusa sehleng se tlang.
Etsa bonnete hore ha ho moo ho dutlang teng ho efe kapa efe ya dipeipi kapa haufi le pompo ya metsi.
Hlahloba boemo ba dipeipi tsa metsi, mme o tiise hore ha di a nolofala haholo ka baka la ho kopana le oli.
Hlahloba sekwahelo sa radiator, mme o tiise hore 'seal' e thibang e ntse e le boemong bo botle. Ha eba ho se moo ho dutlang teng, mme boemo ba metsi bo le tlase, e ka nna ya ba ho tshwanetse ho kenngwa sekwahelo (cap) se setjha.
Ho bohlokwa ho ntsha metsi a cooling system selemo le selemo, le ho tshela antifreeze. Hopola hore mariha a a tla, mme ho tla hlokahala hore o be le antifreeze e ntjha.
Etsa bonnete hore o reka antifreeze e nepahetseng mabapi le terekere ya hao, mme o se ke wa kopanya diantifreeze tse fapaneng tsa mebalabala ka ha nnete ke hore di fapane.
Etsa bonnete hore boemo ba fan belt bo botle - ha e a peperana. Hlahloba ho tiya ha yona. Ha eba fan belt di le pedi, mme eba e nngwe ya tsona e se e kgathetse, e ka ba ka lebaka lefe, o tshwanetse hore ka bobedi o kenye tse ntjha e le hore ka bobedi di jare boima ka ho lekana.
Hlahloba hore ha ho na ho dutla hofe kapa hofe tankeng ya diesel hohle le ho ya fihla ho diinjectara.
Etsa bonnete hore tanka e hlwekile, mme o hlahlobe filtara ka hara tanka.
Kenya difiltara tsa pele le tsa morao tsa diesel.
Hlwekisa sefi (trap) sa metsi. Ho bohlokwa ho boloka tanka ya hao ya diesel e tletse hobane ha moya o le teng ka hara tanka, mongobo moyeng o a hwama ka hara tanka, mme ebe o etsa metsi. Metsi ana a ka senya pompo ya hao ya injectara.
Etsa bonnete mabapi le dinako tse mahareng tsa service ya terekere ya hao - ho ka nna ha etsahala hore o tshele oli le ho tshela oli e ntjha le ho kenya filtara e ntjha.
Ha eba nako e fihlile ya ho tshela oli e ntjha ya differentiale le ya kere (gear) ya hao, hopola le ho kenya filtara e ntjha (ela hloko hore system ya hydraulic e sebedisa yona oli eo, mme o hlahlobe le hona ho dutla ho ka bang teng).
Ha terekere e boetse e matha, nnetefatsa hore ha ho moo oli e dutlang filtareng kapa sekwahelong sa sump (plug).
Hlahlobisisa ho dutla hofe kapa hofe ha oli le seals tse bonahalang eka di a dutla - ho tshwanetse ho kenngwa tse ntjha bakeng sa tsa kgale.
Tlotsa ka grease dikarolo tsohle tse sebetsang (lebiding la mokganni hammoho le dinipoleng (nipples) tsa grease.
Hlahloba air filters, mme o etse bonnete hore di sa dutse hantle le ho hlweka - Kenya tse ntjha ha eba di se di se boemong bo botle.
Hlahloba dipeipi tse hokahanyanang tsa air cleaner, mme o nnetefatse hore ditlelempe (clamps) kaofela di tiile.
Battery - Battery kaofela e tshwanetse ho hlweka. Etsa bonnete hore metsi (electrolyte level) a nepahetse, ho seng jwalo, eketsa ka metsi a hlwekileng (distilled water). Metsi ana a fumaneha mabenkeleng a rekisang dibattery. Lokolla dithapo tse tlamelletsweng ho yona, di hlwekise hammoho le dihloohwana tsa battery (terminals). Tlotsa dihloohwana hanyane ka grease pele o kgutlisetsa dithapo. Sena o se etsa ho thibela mafome. Etsa bonnete hore kamano ke e tiileng pakeng tsa thapo e negative e hokahanang le enjene, le e positive, e hokahanang le statara.
Etsa bonnete hore marangrang a motlakase ha a tlotswa ke grease le oli, le hore dithapo tsena di phuthetswe (hona ho di tshireletsa motjhesong, ho hohleheng le diphalling tse sa hlokahaleng).
Etsa bonnete hore mabone a hlokomedisang le digauge di sebetsa hantle - ha o sotha terekere (switch on), mabone ao kaofela a tshwanetse ho kgantsha. Mabone a oli le alternator a kgantsha ha ignition e sothilwe, mme hang ha terekere e duma, mabone ana kaofela a a tima - a mang a mabone a tla kgantsha feela ha bothata bo itseng bo le teng.
Hlahloba difuse kgafetsa.
Dithaere di tshwanetse ho ba maemong a matle - ho se be ho petsoha, ho peperana, ho sehwa kapa ho buduloha.
Hlahloba pressure (kgatello), mme o nnetefatse hore boima ba mabidi a ka morao a tshwanetseng ho tshelwa metsi, bo nepahetse.
Hlahloba diforo mabiding a tsamaisang terekere - ha dithaere di thella haholo (e le ditamati) o tla tshwara bothata ba ho thella, mme sena se tla sitisa tshebetso e hlwahlwa.
Sheba ka hloko paterone ya diforo mabiding a tsamaisang terekere, mme o nnetefatse hore paterone e shebile nqa e nepahetseng.
Motjhine wa lebidi la terekere o shebane le bothata ba ho hohleha le ho senyeha. Ho bohlokwa ho etsa bonnete hore kaofela dibushe, dibearing, ditie-rod ends le steering box di maemong a matle. Diparete tse fetseng di baka hore terekere e thothomelake tseleng - sena se kotsi haholo ka ha jwale terekere ha e sa le taolong ya mokganni, mme e baka ho fela ho sa hlokahaleng ya dithaere.
Terekereng ho na le dipoleiti tse ngata tse tshireletsang (hangata di ferefilwe ka mmala wa terekere). Sepheo ka dipoleiti tsena ke ho tshireletsa mokganni hammoho le dikarolo tse tsamayang. Hangata dipoleiti tsena di a kgwehla, kapa hona ho ba siyo. Ke taba ya bohlokwa hore dipoleiti tsena di dule di tiile terekereng, mme diboutu tse nyane di hlokwa ho hlahlojwa kgafetsa.
Hlahlobo e ikgethileng e tshwanetse ho tsepamiswa tshepeng ena e hulang ho tiisa hore e dula e tiile. Sebedisa tshepe tsa botenya bo nepahetseng ho hokela (pins) nakong eo o hulang disebediswa le ditereilara ka ha boima bohle ba se hulwang bo jarwa ke tshepenyana ena hammoho le diboutu tse hoketseng tshepe e hulang terekereng. Dikotsi tse ngata di bakwa ke ho se hlokomele tshepe ena e hulang.
<fn>PulaImvula. Training.2008-07.st.txt</fn>
<fn>PulaImvula. Training.2009-12.st.txt</fn>
Grain SA e fana ka kwetliso efe?
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi.
Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, morero wa lona ke ho ntshetsa pele balemi ba batsho, ba hwebang, ba filweng bokgoni. Bohwebi tlhahisong ya poone, soneblomo, koro le mabele, di kenyelletsa mekgwa ya tlhahiso, e leng ya motheo, mmaraka, metjhine le tsamaiso.
Ditaba tse mabapi le mobu le kgiro.
Thuto ya pele eo re ileng ra simolla ka yona lenaneng la rona e bile "Selelekela Tlhahisong ya Poone", "Selelekela Tlahisong ya Soneblomo", "Selelekela Tlhahisong ya Mabele", le "Selelekela Tlahisong ya Koro", e leng tse ileng tsa akaretsa dintlha tsa sehlooho tsa tlhahiso.
Poloko ya direkoto.
Jwalo ka molemi ya ntseng a thuthuha, re hlahisa hore o tshwanetse ho simolla ka e nngwe ya dithuto tsena, ho ya ka dijothollo tse jalwang tikolohong eo o leng ho yona. Ha eba o sa simolle ka dithuto tsena, o tla iphumana o thatafallwa ke dikahare tsa dithuto tse latelang, mme o tla diehisa baithuti ba bang sehlopheng.
Ditaba tse leng teng mabapi le temo jwalo ka kgwebo di batsi haholo, mme ka kgatelopele ya thuto e nngwe le e nngwe re bile le bothata ba hore re nka eng, re tlohela eng, ka ha nnete ke hore ditaba di ngata haholo tse lokelang ho tshohlwa nakong ya thuto. Ho boetse ho teng ditaba tsa motheo tseo re lemohileng hore di tshwanela ho kenyelletswa mohatong o mong le o mong. Re lemohile hore re sitwa ho kenya dintlha tsohle tsa bohlokwa tse mabapi le tlhahiso le mmaraka thutong ya pele, mme ka hoo, "Thuto e Phahameng Tlhahisong ya Poone le Mmaraka" e ile ya hlophiswa ke hona.
Inshorense ya dijothollo taolong ya maemo a kotsi.
Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Poone e nkile sebopeho sa sethekgenike haholo mabapi le monono wa mobu le esiti ya ona. Hore o une molemo thutong ena, o tshwanetse hore ebe o se o ile wa ba teng thutong ya selelekela, mme ebe hape o se o ntse o hlahisa dijothollo tsa mmaraka. Thuto ena hantlentle ha se e reretsweng balemi ba banyane kapa ba itlhahisetsang feela ho honyane ho ka ba phedisang.
Ho teng Diofisiri tsa katoloso tse ngata haholo tse sebetsang mafapheng a fapaneng a Temo, mme batho bana ba fana ka tshebeletso tsa katoloso ho balemi. Ka bomadimabe, bongata ba batho bana ha se ba kwetlisitsweng kapa ba nang le boiphihlelo tabeng tsa tlhahiso ya dijothollo. Ba bang ba na le mangolo a lekaneng a thuto empa ba hloka boiphihlelo, e leng bona bo hlokahalang haholo ka ho fetisisa temong. Re hlahisitse thuto ke hona, e leng "Selelekela Tlhahisong ya Poone e reretsweng Diofisiri tsa Katoloso". Re se re ile ra hlahisa bongata ba dithuto tsena diofisiring tsena, mme re ile ra tsepamisa maikutlo haholo lehlakoreng la boiphihlelo (tse etswang ka matsoho) tlhahisong ya dijothollo - re dumela hore sena se bile le sekgahla se seholo kabong ya ditshebeletso tsa baatolosi bana.
E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya kgwebo ka poone ke e kenyelletsang terekere le disebediswa. Re lemohile hore boemo ba bongata ba disebediswa (equipments) tse ntseng di sebediswa ke balemi ba thuthuhang ke bo swahlamaneng haholo - ke ka hoo, re nang le thuto ya "Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Polasing".
Disebediswa tsa polasing.
Thuto ena e tlamehile ho mang kapa mang ya ratang ho ba molemi ya hwebang - o tlamehile ho utlwisisa sesebediswa sa hao e le hore o kgone ho se hlokomela hantle. Metjhine e metle ke e nngwe ya dinotlolo tlhahisong ya kgwebo. O ke ke wa ba molemi ya hwebang wa dijothollo ha o sa hlokomele diterekere le disebediswa tsa hao hantle.
Ke taba e fihlileng kelellong tsa rona hore ho teng balemi ba bangata ba banyane; haholoholo Kapa Botjhabela, ba se nang diterekere le metjhine ya bona (Ba sekema sa Dijo tse Ngata ba Lefapha la Temo Kapa Botjhabela ba ne ba sebedisa haholo borakonteraka bao ka mehla ba neng ba sa etse mosebetsi o motle). Ke ha re lemoha he hore ho tla ba molemong wa balemi ba poone hore ho be teng thuto moo ho ka eketswang kutlwisiso ya borakonteraka mabapi le "hobaneng" le "ho uwa kae" mabapi le mesebetsi e fapaneng.
Tlhokomelo ya terekere.
Borakonteraka hangata ha ba sebetse ho ya ka se lebelletsweng.
Le ha ho le jwalo, ho teng maemo ao molemi ya nang le masimo a manyane a sa hlokeng hore ho ka rekwa terekere, mme ka hoo, tshebediso ya terekere ha e hlokahale. Re tshepa hore ka ho hlahisa thuto ya Borakonteraka, batho bana ba tla utlwisisa bohlokwa ba ho phethola mobu ka tshwanelo, ho ya ka maemo a nepahetseng, ka nako e nepahetseng, hape le ka poreisi e ka fihlellwang ke molemi. Ha molemi a sa etse tshebeletso tsa hae ka tjhelete, rakonteraka le yena o tla fellwa ke mosebetsi ka moso.
Pele ho 1994, boholo ba balemi ba batsho bo ne bo etsa temo dibakeng tsa mehla e fetileng tsa mahaeng. Ka mora 1994, balemi ba bangata ba batjha ba ile ba simolla ho fumana mapolasi. Ka bomadimabe, balemi ba bangata ha ba a ka ba ela hloko ho rarahana ha temo, le hore ha se mebu yohle e lokelang mefuta yohle ya ho phetholwa. Re se re bile le boiphihlelo ba hore balemi ba batla ho jala poone dibakeng tsohle tsa Afrika Borwa, moo mefuta ya mobu le dipaterone tsa pula di sa lokeleng tlhahiso. "Thuto ya Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi" e radilwe ho thusa balemi ho lekola mehlodi eo ba nang le yona, le ho etsa qeto hore ba ka e sebedisa jwang ka katleho hore ba kgone ho sebetsa ka katleho le bokgoni. Hoba re sebetse le ba bang ba balemi dihlopheng tsa boithuto ka dilemo tse ngata, re ile ra simolla ka "Lenaneo le Phahameng la Molemi" e leng le ileng la thusa bahokahanyi ba provense ho tsepamisa maikutlo palong e itseng ya balemi ho shebanwe le motho ka mong. Le mona re lemohile hore balemi ha ba a ka ba sebedisa mehlodi eo ba nang le yona ka tshwanelo, le hore ba hloka tshehetso ya ho tsepamisa maikutlo dintlheng tsa sehlooho tse tlisang katleho temong.
Dintlha tsa bohlokwa tsa tshebetso.
Mafapha a Provense a Temo a na le palo e kgolo ya diofisiri tsa katoloso tse nang le tsebo ya temo, empa di batla di se na tsebo le bokgoni ba matsoho. Mosebetsing ohle wa ho kwetlisa balemi, re sebeditse mmoho le Lefapha la Temo, mme re ile ra teka dithuto tse ngata tsa rona ho bona. Maikutlong a ka, ha re ka hlahlella diofisiri tsa katoloso ka tsebo, re ka kgona ho thusa balemi haholo feela le ho kgannela ba bangata tlhahisong ya kgwebo. Nakong ya thuto ha re kopanye balemi le diofisiri tsa katoloso, ka ha baatolosi ba tshaba ho botsa dipotso tse ka totobatsang dikgaello tsa bona pela balemi. Le hoja dithuto kaofela tsa rona di kenyelletsa dipontsho tsa mesebetsi e etswang ka matsoho nakong tsa thapama, re ile ra lemoha hape hore diofisiri tsa katoloso di ntse di sitwa ho sotha metjhine ka nepo le ho etsa ditekolo nakong eo di lokelang ho etsa jwalo e le tsona feela.
Metako ya sefafatsi sa "boom" le tlhokomelo.
Bongata ba balemi ba bileng teng thutong ya "Terekere le Sesebediswa sa Polasi" bo ile ba kopa thuto ya tlatsetso e tla ba thusa ho utlwisisa dintlha tsa motheo tokisong ya terekere. Balemi ba bangata ba ile ba qhekanyetswa ka baka la ho hloka tsebo mabapi le tokiso ya enjene le power train.
Ditaelo le ditekanyo.
Ke taba e tshwanetseng ho hatellwa mona hore thuto ya Motheo Tokisong ya Enjene ha se sepheo sa yona ho kwetlisa bomakheneke. Thuto ena e mpa feela e pepesetsa moithuti dikarolong tse fapaneng tsa enjene le hore dintho tsohle di momahana jwang. Tokiso ya enjene ke mosebetsi o moholo wa sethekgenike o ka etswang feela ke batho ba rupeletsweng. Tokiso ya enjene le gearbox e phahame haholo ka tjhelete, mme ho bonolo haholo ho senya tjhelete ha eba o se na tsebo e ntle.
Jwalo ka lenaneong lefe kapa lefe, ha batho ba ntse ba ela hloko mosebetsi o ntseng o etswa, ditlhoko tse ding le tsona di a hlahella. Ho teng balemi ba bangata lebatoweng la Taung / Hartswater ba nang le katamelo tshebedisong ya ho nosetsa. Sena se boetse se bonahala le mabatoweng a mang a North West le Foreisetata. Le hoja ditaba tsa motheo tsa tlhahiso ya poone di ntse di tshwana hohle, ho sa tsotellehe hore ke moo ho sebedisitsweng mokgwa wa ho nosetsa kapa moo komello e leng teng, ho sa le teng palo e itseng ya dintlha tse lokelang ho elwa hloko. Re hlahisitse dithuto tse ding tse pedi tsa tlatsetso, "Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso" le "Tlhahiso ya Barley tlasa Nosetso".
Semela sa poone / barley tlasa nosetso.
Ha molemi a ntse a tswela pele kgwebong, bohlokwa ba tsamaiso e ntle ho tsepamisitswe maikutlo phaellong, bo fetoha taba ya bohlokwa ruri. Ke mohato wa ho qetela wa ntshetsopele thutong ya "Tlhokomelo ya Polasi mabapi le Phaello".
Tlhokomelo dintlheng ka kakaretso.
Ha re sheba hape mathata a maholo a shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha, re lekile ho rarolla mathata ana ka dithuto tseo re di hlophisitseng.
Tlhoko ya ho uma dijothollo mobung o ommeng Afrika Borwa (e ka ba hanyane feela ebang re fositse).
Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi.
Tlhoko ya tsebo, bokgoni le boiphihlelo.
Tlhahiso ya Barley Tlasa Nosetso.
Leqeme la tjhelete.
Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi.
Leqeme la metjhine e lekaneng.
Tokiso ya Motheo ya Enjene.
Dintlha tse amanang le masimo le kgiro ya ona.
Tlhokomelo ya Polasi ho shebilwe Phaello.
<fn>PulaImvula. Training.2010-01.st.txt</fn>
Kwetliso - ke dithuto dife tseo ho fanweng ka tsona?
Lemong sena ke dithuto tse 190 tse teketsweng baithuti ba 3 770 kaofela.
<fn>PulaImvula. TrainingMaize.2009-02.st.txt</fn>
Caption: Add info at bottom of table, see training.
<fn>PulaImvula. TrainingMaize.2009-03.st.txt</fn>
Caption: Add info at bottom of table, see training.
<fn>PulaImvula. TyresMaize.2008-12.st.txt</fn>
Ho tseba ka moo dithaere di ka bang le molemo ho wena mosebetsing wa tsona wa letsatsi le letsatsi, ho ke ke ha thusa feela ho ntlafatsa boipaballo, empa ho tla fokotsa ditjeo tsa tsamaiso le tshenyo e ka amang mobu le dijothollo.
Ho kganna mapolasing ho kgema mmoho le maemo ohle a tshebetso - tsohle re simolla ka ho phetholwa ha mobu masimong ho ya ho hakelweng ha ditereilra mebileng ya sekontiri. Jwalo ka ha maemo ana a fapane haholo, ho teng melao ya bohlokwa e tshwanetseng ho latelwa.
Mabapi le dithaere, e nngwe ya dintlha tsa sehlooho ke ho nyalanya mofuta wa thaere le mosebetsi o reretsweng ho phethwa (seretse, lehlabathe le bonolo, jj), ho ikamahanya le ditataiso tsa moetsi wa koloi mabapi le saese (boholo ba) ya thaere le dintlha tse amanang le boholo le tshebetso ya yona, hammoho le, e leng taba e hlokolosi) ho nyalanya ho tlala ha moya thaereng ho latela boima bo lokelang ho jarwa ke thaere le maemo ao thaere eo e sebetsang tlasa ona.
Re ka re ke moya o ka hara thaere o etsang hore e kgone ho jara boima/mojaro, mme baetsi ba dithare, ba kang Goodyear ba kgona ho bolela boima bo phahameng ka ho fetisisa bo ka jarwang ke thaere ka nngwe ho ya ka dikarolo tse fapaneng tsa lebelo.
Ho jarisa koloi boima bo phahameng haholo, mme o sa eketse moya mabiding ho tla qetella ka ho baka tshenyo le ho fela ho potlakileng ha thaere, e leng ho bakang sekgahla se matla sa ho fokotsa matla a tshebetso le bophelo ba thaere.
Thaere e jarisitsweng boima bo fetang boo e ka bo jarang kapa eo moya o haellang haholo ho yona, e tla kobeha le ho sotheha haholo tlasa maemo ana. Sena se ka baka ho petsoha ha thaere mahlakoreng a yona, le ho fela (hohleha) kapele bohatong ba thaere. Dithaere tseo re ka reng ke tsa moya o tlase kapa tsa mofuta wa crossply ke tsona tseo hangata di bang le bothata mahlakoreng (leqhutsu) ha di sebediswa tlasa maemo a boima ka ho fetisisa. Ka mokgwa ona karolo yohle e ka ntle ya thaere e a senyeha. Thaere tse pompilweng moya o tlase haholo di thella ha bonolo 'rimming', mme di kgaola valve ya ditjhupu, mme ka kakaretso di senya ho aleha ha thaere.
Hape, ho pompa thaere ho feta tekano ho etsa hore thaere e be tjhitja, e leng hore karolo e hohlehang (felang) ke e bohareng ba thaere. Hona ho boetse ho fokotsa karolo ya thaere e thetsanang le mobu, e leng se fokotsang ho tseparela ha thaere le ho eketsa ho sotheha ha lebidi, e leng se senyang diforo tsa thaere le ho tabola mobu.
Haeba o tlamehile ho kganna terekere motheong, moya dithaereng o tshwanetse ho eketswa ka diperesente tse 30 ka hodima moya o tlwaelehileng (ho itshetlehilwe ka boemo ba motheo) ho eketsa botsitso. Sena se ama mabidi a ka morao feela - thaere e le nngwe ya motheo haeba e lebile nqa e le nngwe feela, kapa ka bobedi haeba e sebetsa e labile nqeng tse pedi ka ho fapanyetsana.
Ho bohlokwa ho hopola ho ela hloko tlatsetso e hlokahalang e bakwang ke moya o fokotsehileng kapa o eketsehileng nakong eo o fetolang maemo a tshebetso jwalo ka ho tlamella tereilara kapa sesebediswa kapa o kganna mmileng wa sekontiri ka lebelo.
Ka ha taba ya moya e le hlokolosi, ho sebetsa ka thaere ya mothamo o fapaneng wa moya ho ka ba le sekgahla se seholo tabeng ya ho ngwaparela le ya mobu. Moo mobu o ka tlase, dimela le metso, di leng bohlokwa, kgothaletso ke ho sebedisa thaere e kgolwanyane (ka bophara le/kapa bophahamo ba yona), e sebetsang ka moya o seng mongata haholo. Hona ho tla etsa hore koloi e kgone ho jara boima bo le bong papisong le thaere e nyane e tla jara boima boo ka moya o mongata, mme ho tla fokotsa kgonahalo ya diforo tse tebileng tse ka etswang ke dithaere mobung, kapa seo re ka se bitsang ho teteana ha mobu.
Ka mokgwa o jwalo, karolong e lehlabathe haholo, tlhophiso ena ya thaere e tla dumella ho huleha ha mobu nakong, eseng ho qhalana, nakong eo thaere e batalatsang boima hodima sebaka se seholowanyane, mme thaere e tla 'phaphalla feela hodima mobu ho ena le ho tetebela mobung.
Ho sebedisa terekere e hulang ka mabidi a mane (haeba e le teng) ho kgothaletswa maemong a fokolang a ho tseparela. Hona ho tshwanetse ho qojwa mebileng ya sekontiri kapa eo bokahodimo ba yona e leng majwe a kerabole ka ha hona ho potlakisa ho fela ho sa lekaneng ha thaere tse ka pele, mme ho sitisa koloi e sebediswang ho ka kganneha hantle le ho baka ho senyeha ho hong hape ha dikarolwana tsa koloi.
<fn>PulaImvula. TyresMaize.2009-01.st.txt</fn>
Dithaere tsa mapolasi ha di tlase ka theko, empa ho teng melawana ya bohlokwa e lokelang ho latelwa ho tshireletsa tebello ya hao le ho ntlafatsa bolelele ba bophelo ba thaere.
Ho kganna ka dithaere tse moya o monyane kapa o mongata haholo ho kgannela ho feleng ho hoholo ha tsona, ho beha kgatello e ngata thaereng, mme ho qetella ho bakile ho fela ha yona pele ho nako - tshenyehelo e kgolo ruri!
Ka baka lena, ho bohlokwa hore moya wa thaere o dumellane le maemo, le ho hlahloba moya kgafetsa. Sena se tshwanetse ho etswa hang kapa habedi ka beke, mme o hopole ho lekanya moya wa dithaere ha o jara thepa e boima kapa o etsa mesebetsi e itseng.
Ka nako e le nngwe, hlahloba diforo le mahlakore a dithaere, o shebe hore na ha ho na tshenyo e bonahalang kapa ho senyeha ho sa tlwaelehang, ka ha sena se ka nna sa bontsha pantjhara (puncture), moya o fosahetseng, mathata a ho sekama (suspension) kapa lebidi le sothang la mokganni le supang ho sa otlolohe ka nepo ha koloi.
Ho nnetefatsa hore thaere e matha hantle ka moya o tshwanetseng ho tla fana ka ho tseparela ho lebelletsweng, ho tshwarella ho matlafaditsweng, paballo e eketsehileng ya mafura, mme ho tla etsa hore nako e tlang ho be bonolo ho ela hloko ho dutla ha moya thaereng le masoba a mang. Hopola ho hlahloba moya ha thaere e bata, pele terekere kapa sepalangwang se kgannwa, ka ha motjheso o bang teng nakong ya ho kganna o qetella ka keketseho ya moya le ho metha ho fosahetseng ha moya.
Tokiso ya dithaere - sebedisa setsebihadi!
Ba Goodyear ba kgothaletsa hore ho kenngwa ha dithaere le ho di lokisa ho tshwanetse ho etswa ke basebeletsi ba kwetlisitsweng hantle ka ha mosebetsi ona ke o fupereng kotsi. Mohlala, ha thaere e sa kena ka tshwanelo riming, kgatello e phahamaneng ya moya o ka hara thaere e ka nna ya senya thaere moo e kopanang le rimi teng, mme le yona rimi e ka senyeha ka baka la ho phatloha ho etsahalang ka sekgahla se seholo. Re ka tlatselletsa ra re, ho se tsetse hantle ha thaere riming ho ka nna ha baka ho thella ha thaere riming nakong ya lebelo le phahameng haholo, e leng se ka kgannelang ho senyeheng ha thaere, mobu kapa yona koloi.
Ho kopanngwa ha lebidi le thaere ho tshwanetse ho etswa maemong a tshireletseho nakong eo moya o pompuwang ka yona, e le mokgwa wa ho nka mehato ya tshireletso. Moo tokiso e entsweng tjhupung ya thaere e pantjhileng, tokiso eo e tshwanetse ho nkwa feela e le tokiso ya nakwana.
Se ke wa tlatsa feela thaere ka moya moo thaere e lahlehetsweng ke moya kapa e ileng ya pompuwa feela ka mokgwa o bohlaswa wa moya o sa lekanang ntle le ho simolla pele ka ho e ntsha ledibing le ho e hlahloba ho senyeha ha yona. Etsa hore e hlahlojwe hantle le ho lokiswa ke setsebi kapa motho ya sebetsang ka dithaere.
Ntlha tse ding tsa sehlooho tse lokelang ho hopolwa ke tsena: kamehla kwala ka sekwahelwana (cap) valvong ya thaere, se ke wa otla thaere kapa rimi ka hamore nakong ya ho lokisa lebidi. Le ka mohla o se sebedise tjhupu thaereng e kgolo kapa e nyane ho feta ka moo ho lekantsweng ka teng; qoba ho sebedisa tjhupu tse senyehileng kapa tse nang le kerise (grease); etsa hore ka mehla o boholo ba rimi tsa hao ke bo dumellanang le boholo ho ya ka baetsi ba dithaere tsa hao; ka mehla se ke wa leka ho lokisa, ho tjheselletsa kapa ho petjha dirimi tse senyehileng.
Le hoja ba Goodyear ba sebedisa thepa ya boemo bo hodimo, e tshireletsang thaere kgahlanong le tshenyeho ya thaere, rekere e batla haholoholo e monya oli, kerise, mafura hammoho le diphalli tse ding, mme ho feta mona, e senngwa ke ho pepesetswa letsatsing le kganyeng.
Ka baka lena, dithaere di tshwanetse ho bolokwa sebakeng se phodileng, se hlwekileng le se lefifi, hole le metjhine e meng e kang, e dumang, dijenereitara, metjhine e tjheselletsang ka ha ozoune e ntshwang ke metjhine e kang ena se baka ho petsoha thaereng, mme qetellong ho senye thaere ka hohlehohle.
Ka mokgwa o tshwanang, hlatswa dikhemikhale dife kapa dife tse ka itshwareletsang hodima thaere ha o qeta ho sebedisa terekere mesebetsing e kang ya ho fafatsa.
Mabapi le ho boloka setorong dithaere tse ntseng di le diriming tsa tsona, empa di se metjhineng ya tsona, phahamisa koloi hore mdithaere di se thetse fatshe. Haeba sena se sa kgonahale, eketsa moya o tlwaelehileng ka diperesente tse 25 ho fokotsa ho putlama, mme o nne o tsamaise koloi ka mora nako tse itseng hore o fokotse kgatello dikarolong tsa thaere tse thetsanang le mobu kapa bofatshe ba setoro.
<fn>PulaImvula. TyresMaize1.2008-09.st.txt</fn>
Ho kgetha thaere e nepahetseng mabapi le ditlhoko tsa polasi ya hao ho bohlokwa feela jwalo ka koloi ka boyona. Dintlha tse kang mofuta wa thaere, bokgoni ba ho jara boima le boholo ba thaere di hlokolosi haholo.
Ho batho ba bangata thaere e ka nna ya shebahala e ntse e itshwanela le e nngwe, empa baetsi ba tsona ba kang Goodyear ba hlahisa mefuta ya dithaere e loketseng ditikoloho tseo ho sebetswang ho tsona, mme sena se ama dintlha tse fapaneng tse kang moetso wa diforo tsa thaere, tse kopantsweng ho etsa thaere, popeho ya yona, hammoho le bokgoni ba ho jara kgatello le boima.
Ntlha ya pele e lokelang ho shejwa ha ho kgethwa thaere tsa terekere ke semelo sa tshebediso ya tsona. Na e tla sebedisetswa polasi maemong a metsi, a mongobo, maemo a letsopa Na bokahodimo ke bo bonolo, bo lehlabathe Kapa sebaka se batla se sa batalla ka ho lekana, ho dikotikoti, e leng se bolelang hore ho palama ha monate le ho tshwarella ha dithaere ke dintlha tse hlokolosi?
Dithaere tsa mapolasing, tse etseditsweng maemo a mongobo, a seretse, hangata di ba le 25% keketsehong ya botebo ba diforo (treads) ho feta dithaere tse tlwaelehileng, e le hore di fane ka ho tsetsepela ho matla dibakeng tse thellang. Ho feta mona, di bile di itotobatsa ka matshwao a ho tsamaya di itlhwekisa ka botsona e leng se thibelang ho tlala ha seretse diforong tsa dithaere. Sena se ka baka ho thella.
Papisong, thaere e etseditsweng dibaka tsa mahlabathe e ipabola ka bohato ba thaere bo sephara, bo tenyetsehang ha bonolo, le paterone e sephara e dumellang thaere ho itsamaela ha bonolo ka hodima lehlabathe, e leng moo dithaere tse ding tse tshesanyane, tse etseditsweng dikarolo tse ommeng di kenellang hara lehlabathe, di tetebellang tlase.
Mohato o hlahlamang ke ho tseba boima bo tshwanetseng ho jarwa ke thaere, mme bo tshwanetse ho kenyeletsa tsohle, dithuluse, disebediswa, ditanka le dibalasete (sephalli se kenngwang dithaereng ha eba ho hlokahala). Thaere e tshwanetse ho ba ya boholo bo lokelang, le ho ba ba mofuta wa 'ply' (lekgapetla) hore e kgone ho jara boima bo hodimodimo bo lebelletsweng, ho seng jwalo, sena se tla kgannela phokotsehong ya ho tsetsepela, ho senyeha ho potlakileng ha thaere hammoho le se totobetseng - tshebediso e sa bolokehang.
Ke moya o ka hara thaere o e fang bokgoni ba ho jara morwalo. Ka baka lena, ha eba o tlameha ho eketsa boima ba morwalo, kgetho ke ho sebedisa thaere e kgolwanyane (e eketsang bongata ba moya), ho sebedisa thaere ya 'ply' e hodimo (ho eketsa kgatello ya moya), kapa ho sebedisa mekgwa ena ka bobedi - ho totobetse hore o tla be o sebetsa o ipapisitse le tataiso tsa moetsi wa terekere.
Dithaere tse ka morao tsa terekere ke tsona tse hulang ha boima ka tlhako tsa morao ka ha ke tsona tse lokelang ho jara boima bo boholo le ho fetisetsa matla a terekere (horse power) mobung. Ka hoo, boholo ba thaere e nngwe le e nngwe ya ka morao le mofuta wa 'ply' ya yona di na le boholo/bongata bo itseng ba ho 'hula' boo e bo lekanyeditsweng ntle le ho fokotsa matla a yona a ho sebetsa.
Hantlentle boholo ba thaere bo na le seabo sa bohlokwa. Hara ditekanyetso tse ngata, ya bohlokwa ka ho fetisisa ke karolo ya bophara (SW) le bophara ba karolo e jereng boima (LSW) (ena e laola hore na ho tla kgonahala hore thaere e tsamaye pakeng tsa mela na) hammoho le diameter ka kakaretso (overall diameter), e fanang ka bophahamo kaofela ba thaere e pompilweng. Thaere e tshwanetse ho nyalana hantle le bophara ba rimi (RW) hammoho le diameter ya rimi (RD) ho nnetefatsa hore di tla dumellana ka ho phethahala.
Qetellong, tshebetso e hlwahlwa ka ho fetisisa ya thaere le ya terekere e ka fihlellwa feela ha koloi e methilwe le ho behwa sekaleng hantle, moo ballast le boima ba mojaro di lekantsweng ka nepo. Sena se hlokolosi ho nnetefatsa hore tshebetso ya maemo a hodimo le tshebetso ya nako e telele di a fihlellwa.
<fn>PulaImvula. TyresMaize2.2008-09.st.txt</fn>
Dithaere ke dintho tse rarahaneng ho ya ka mekgabiso e fapaneng ya moetso wa diforo, mefuta ya ho etswa ha tsona, tekanyetso ya ho jara boima le lebelo hammoho le boholo ba tsona.
Artikele leqepheng la 9 e ile ya shebana le ho rekwa ha dithaere tse nepahetseng tsa mapolasing, tse loketseng maemo a tla lokela tshebetso, empa hona jwale o shebane le koqokoqo e ngata ya dinthwananthwana tsa sethekgenike tseo o lokelang ho nahana ka tsona. Mona re hlalosa dintlha tsa sehlooho tsa sethekgenike dithaereng.
Ha re simolla ka ho etswa ha thaere, ho teng mefuta e mmedi eo o ka nahanang ka yona: tsa bias kapa tsa radiale. Tsa bias (di boetse di tsejwa ka la cross-ply) ke tsa moetso wa dikgwele tse mathang ho tshekalla le thaere ka tshekamo (angle) ya 30 degrees ho ya ho 40, e leng moo lekgapetla ka leng la dikgwele le adilweng le shebisitsweng nqa hosele. Tshebetso ena ya paterone ya ho fapakanngwa ke e patehileng tlasa bohato ba diforo tsa thaere, e leng e reretsweng ho fana ka ditshwantsho tsa diforo le bothata bo itseng ba thaere nakong eo e tshireletsang bokantle bohle ba thaere.
Ho ya ka papiso, dithaereng tsa radiale makgapetla a dikgwele tse matlafatsang thaere ke tse emeng ho latela ho sekama (angle) ha 90 degrees ho ya ka mola o mahareng wa thaere, e leng o kopanyang dikgwele ka mahlakoreng a mabedi, e leng se tiisang bodulo ba thaere hodima rimi le ho etsa hore e dule e tsitsitse. Ka ho otloloha hodima makgapetla a radiale, ka tlasa bohato ba thaere, ke lebanta le lelelele le entsweng ka makgapetla a mangata a kgwele kapa tshepe, a apesitseng ho potoloha hohle ha thaere.
Phapang e totobetseng haholo tshebetsong ya mefuta ena e mmedi ya dithaere tsa terekere ke hore tlhahiso ya biase ke ya sebopeho se tjhitja, se bakang hore thaere e se hate fatshe ka boima bo lekanang ka hohle hammoho le kgatello e matla ya mobu. Dithaere tsa radiale di itotobatsa ka sebopeho se kgutlonne se thusang hore karolo e kgolo e thetsane/amane le mobu, hammoho le ho phatlalla ho lekanang ha kgatello mobung ekasitana le ho kenella mobung ho fokotsehileng.
Ho ya ka tshebetso, dithaere tsa biase, tse kang tsa Goodyear Dyna Torque II, di kobeha ha bonolo, di na le mamello, mme di bontshitse hore di bonolo ho ka lokiswa - ntlha ya bohlokwa moo ditokiso tsa moo motho a itokisetsang ka boyena DIY (Do It Yourself) e leng tsa bohlokwa. Ho rarahana ho bang teng ha ho bopuwa ha thaere ya radiale, jwalo ka tsa mefuta ya Optitrac ya Goodyear e tlwaelehileng haholo, ho hloka mesebetsi e ikgethileng ya ditokiso, empa le ha ho le jwalo, thaere tsena di fana ka botsitso bo phahameng, ho tshwarella, thibelo ya ho tswa moya mabiding, thibelo ya ho thella, ho tshwarella nako e telele, ho se fele kapele hammoho le monate wa ho palama ka tsona.
Ke taba ya bohlokwa ho ela hloko hore dithaere tsa radiale le tsa biase ha di a tshwanela ho sebediswa ka nako e le nngwe (axle) aseng e le nngwe. Ka ha sena se tla hlahisa matshwao a sa tshwaneng tshebetsong, e leng se tla kgannela taolong e sa tsitsang hammoho le tshenyehong ya ditshepe.
Dithaere dife kapa dife tse sa tshwauwang 'tubeless' (ntle le tjhupu) di tlamehile ho kenngwa tjhupu le hoja mosebetsi wa ho petjha e le o bonolo wa nako le motsotso, ke ntho e tshwanetseng ho shejwa e le ya nakwana feela ka ha petjhe ka boyona e ka qetella ka ho baka tahlehelo ya kapele kapa ya butlebutle ya moya thaereng, e leng se ka bakang kotsi paballehong ya batho. Ditjhupu di ka nna tsa sebediswa dithaereng tsa 'tubeless' ha eba ho dutla ha moya ho le teng riming kapa tahlehelo e bakwang ke tshenyeho e nyane dibakeng tse itseng tse lokelang ho kwaleha thaereng.
70 - Ntlha ya ratio kapa boemo (profaele).
138 A8 - matla a ho jara boima (Load index) 138 (2 360 kg) ka 40 km/h (A8), e leng lebelo leo ka lona thaere e ka jarang boima bo boletsweng. Ela hloko hore boima bo fapaneng bo a ameha ha eba thaere e sebedisetswa ho hula kapa e mpa e bidikoloha feela ka bolokolohi jwalo.
Jwalo ka dintlha tse ding tse amanang le dithaere, ha eba o tsilatsila, ikopanye le ditsebihadi tsa dithaere tsa Goodyear mabapi le dintlha tse itseng tjha.
<fn>PulaImvula.VAT.2009-12.st.txt</fn>
Lekgetho la motla-o-tutswe (VAT) - na o tshwanetse ho ngodisa?
Kgatello e matla e teng kgahlanong le molemo tlhahisong ya dijothollo. Jwale o tlamehile ho fokotsa ditjeo tsa tse sebediswang temong, mme sena se etswe haholo ka moo ho ka kgonahalang ka teng hore motho a phele. O mong wa mekgwa ena ya ho fokotsa ditjeo ke ho ingodisetsa lekgetho la VAT.
Ha eba o ingodiseditse VAT, eba he o na le monyetla wa ho kopa ho kgutlisetswa tjhelete ya lekgetho la 14%, e leng leo o le lefisitsweng ho tsohle tseo o di rekileng - mohlala, ha eba o reka mokotla wa peo ka R1 000, lekgetho la R114 le eketswa ditjeong tsa hao. Hantlentle tjhelete eo o e lefang ke R1 114 bakeng sa mokotla wa peo. Maemong a jwale a ditjeo tsa tlhahiso, a emeng kaekae ho R4 000 hekthara ka nngwe, o boloka tjhelete e ka etsang R650 hekthara ka nngwe. Ena ruri ke palo e kgolo!
VAT ke eng?
VAT kapa Lekgetho la motla-o-tutswe ke lekgetho le lefiswang ka mokgwa o sa otlolohang, mme sena se etswa ho latela Molao wa Lekgetho. Lekgetho le tshwanetse ho kenyelletswa thekong ya thepa kapa ditshebeletso dife kapa dife tse reretsweng jwalo.
Ho teng mefuta e mmedi ya diphepelo - tse lefellwang lekgetho le tse sa le lefellweng.
Phepelong ya tse lefellwang lekgetho ho etsahala sena - lekgetho le ka lefellwa ho latela sekgahla se tlase (hajwale ke 14%), kapa ka sekgahla sa letho (0%).
Thepa e lefellwang lekgetho kapa ditshebeletso ke tsohle tse tshwanelang ho lefellwa lekgetho, ntle le tse kentsweng lenaneng la tse bitswang (zero-rated), e leng la tse sa lefellweng lekgetho. Mehlala e meng ya tsa mefuta ena ke bohobe bo bosootho, phofo ya poone, setampo, mealie rice, poone e ommeng, dinawa tse ommeng, rice, lentils, ditholwana le meroho, pilchards, lebese, lebese la phofo, oli e phehang, mahe, peterole, diesel, parafine hammoho le ditshebeletso tse ding (mohlala, mpho tse fuwang mekgatlo ya thekolohelo).
Phepelo e sa lefellweng lekgetho e kenyelleditse ditshebeletso tse itseng tsa thuto, tswala kadimong, jwalojwalo.
Ke mang ya tshwanetseng ho ingodisetsa VAT?
Ke motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang, e ka lefiswang lekgetho e fetang kapa ho bonahalang e ka nna ya feta R1 000 000 ka selemo.
Ke motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang e leng pakeng tsa R20 000 le R300 000 ka selemo. Mohlala, ha eba theko ya poone e le R1 500 tone ka nngwe, mme ha eba o hlahisa ho feta ditone tse 14 tsa poone, eba he, o ka nna wa ya ingodisa.
Motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang e leng ka tlase ho R20 000 ka selemo.
Ho ngodiswa jwang?
Kopo ya ngodiso jwalo ka motho ya ithekisetsang e tlamehile ho etswa foromong ya VAT 101 e leng e fumanehang ofising ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS) kapa websaeteng ya yona. Sena se tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a 21 hang feela ha motho a ba boemong ba ho ngodisa.
Ka kakaretso, ho teng dinako tse hlano tse fapaneng tsa lekgetho - kgwedi le kgwedi, hang ka kgwedi tse pedi, hang ka kgwedi tse nne, hang ka kgwedi tse tsheletseng le hang ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi. Nako ya kgwedi tse tsheletseng ke yona e atileng haholo hara balemi hobane e akaretsa dihla tsa dijothollo tsa mariha le lehlabula ka mekgwa e arohaneng.
Lena ke lekgetho le lefuwang ke morekisi hara a reka thepa kapa ditshebeletso. Lekgetho lena le ka nna la kgutlisetswa motho le etswa ho SARS nakong eo ho tlatswang foromo ya lekgetho.
Lena ke lekgetho le lefiswang morekisi mabapi le phepelo ya thepa e lefellwang lekgetho kapa tsona ditshebeletso tse lefellwang lekgetho. Hangata lekgetho lena le tshwanetse ho fetisetswa ho SARS.
Hantlentle, mmoho le foromo ya lekgetho e yang ho SARS, morekisi o fana ka dintlha tsohle tsa Lekgetho leo a le lefisitsweng hammoho le lekgetho lohle leo a kopang hore SARS e mo kgutlisetse lona. Ho sebetsana le dipalo foromong ya SARS ho thusa hore morekisi a tlose lekgetho leo a le lefileng ho leo a le lefisitsweng. Boemo bona ke bona bo tla bolela hore lekgetho le tshwanetse ho lefuwa SARS kapa le tshwanetse ho amohelwa le etswa ho SARS.
Mabapi le dintlha tse ding ka lekgetho, ikopanye le ofisi e haufi le wena ya SARS.
<fn>PulaImvula. Value.2008-09.st.txt</fn>
Kgalekgale boleng ba masimo bo ne bo itshetlehile ka tlhahiso ya mobu. Dibakeng tse kang tsa mahaeng balemi ba sa ntse ba shebile hore boholo ba theko ya masimo ke moo tse unwang tshebetsong ya temo e leng tsona tsa sehlooho tse laolang boleng ba masimo.
Tswala e phahameng kapa e tlase le yona e tshwaetsa balemi ka ha balemi ba bangata ba sebeletsa tjheleteng e adimilweng kapa karolong ya yona. Matsete a tjhelete masimong le dintlafatso le tsona di na le tshwaetso ya bohlokwa bolenng ba masimo.
Ho kenela dihlophiso tsa tshebetso le balemi ba bang.
Phaello ya nako e telele ya tjhelete e amanang le keketseho ya boleng ba masimo ha nako e ntse e tsamaya.
Phaello tsa nako e telele le tsona di itshetlehile ka peresente tsa phaello e tswang tshebetsong ya tlhahiso tse teanang le kuno tse phahameng le tse tlase ha nako e ntse e tsamaya. Ka kakaretso, boleng ba masimo bo batla bo eketsehile nakong e telele, mme tshekamelo ya lefatshe ke hore masimo a hlahisang a be matsohong a seng mangata. Ho etsa hore ho be boima hore ba batjha ba kenang ba kgone ho fumana masimo bakeng sa nako e kgutshwane le ho a lefella ho tswa tlhahisong e hlwahlwa. Maemo ana a fapane ha eba masimo a ka fumanwa ka mokgwa wa thuso (LRAD) kapa wa lefa, kapa wa kadimo ya tjhelete e kgemang mmoho le tshehetso e itseng mabapi le tswala (jwalo ka sekemeng se kgothaleditsweng sa Lefapha la Ditaba tsa Naha le bitswang Sekema se Tswelang pele sa Phumantsho ya Mobu - Proactive Land Acquisition Scheme kapa PLAS).
Kgiriso ya mobu e fetohile mokgweng wa ho kena ha ya qalang ho kena temong ho ya mokgweng wa balemi ba ikemetseng ho fumana mobu wa tlatsetso le ho atolosa kgwebo tsa bona tsa temo. Taba ena e tshwanetse ho nahanisiswa haholo mabapi le mobu o kopanetsweng wa setjhaba moo ho nang le mobu o mongata o ituletseng feela o sa sebediswe, mme ka yona nako eo ho leng teng balemi ba bangata ba hlwahlwa, ba batlang mobu o mongata moo ba ka tsamaisang kgwebo ya bona ka katleho. Ho hira ho thusa balemi ho atolosa dikgwebo tsa bona ntle le dikoloto le boinehelo tjheleteng e amanang le monga thepa.
Hopola: Ho a kgonahala ho ba molemi le ha masimo e se a hao. O ka hira, wa sebedisa mobu wa setjhaba kapa wa iketsa kgokanyana phiri le balemi ba bang tlhahisong ya dijothollo.
<fn>PulaImvula. Vat.2010-04-01.st.txt</fn>
Lekgetho-la-motla-o-tutswe - na o ka ingodisa?
Dilemong tse nne tse fetileng, re buile haholo ka Lekgetho-la-motla-o-tutswe (VAT). Re se re lemohile le ha ho le jwalo hore ke balemi ba seng bakae feela ba ingodiseditseng lekgetho lena.
Ke tla una molemo ofe ha ke ingodisa?
Ditjeo tsa tse sebediswang mobung tsa tlhahiso ya dijothollo di phahame haholo, mme balemi ba tshwanetse ho etsa seo ba ka kgonang ho se etsa ho fokotsa ditjeo tsa tlhahiso. E nngwe ya tsena ke ho ingodisetsa Lekgetho-la-motla-o-tutswe (VAT).
Lekgetho lena le lefuwa mabapi le tse sebediswang tlhahisong - manyolo, peo, dikhemikhale, ditokiso, tlhokomelo, jwalojwalo. Sena se etsa 14% ya ditjeo tsa tse sebediswang. Haeba o sebedisa R4 000 hekthara ka nngwe ho tse sebediswang temong, lekgetho tjheleteng ena ke R560 hekthara ka nngwe. Haeba o se o ingodiseditse VAT, o kgona ho kopa ho kgutlisetswa tjhelete ena ke ba Ditshebeletso tsa Afrika Borwa tsa Lekgetho (SARS). Ena ke tjhelete e ngata ya hekthara ka nngwe, mme hajwale e ngata ho feta phaello eo balemi ba bangata ba e etsang. Haeba o sa ingodisetsa ho lefa lekgetho lena, ho ka nna ha etsahala hore o hlolehe ho etsa phaello temong ya hao ya dijothollo.
Hobaneng ha balemi ba le lesisitheho ho ingodisa?
Le leng la mabaka a etsang hore balemi ba be lesisitheho ho ingodisetsa lekgetho lena ke hobane ba tla tlameha ho boloka direkoto tse ntle, ka ha SARS e kgona ho hlahloba tjhelete tsa bona neng kapa neng. Haeba o fela o ikemiseditse ho ba molemi wa mmakgonthe wa mohwebi, ho a hlokahala hore o boloke direkoto tsa hao hantle. O tshwanetse ho tseba ditjeo tsa hao tsa tlhahiso, phaello ya hao, le hore tjhelete e ya hokae.
Balemi hangata ba tlola molao ka ho qoba lekgetho le ho le balehela - ba sebetsa kgwebo ka tjhelete e letsohong ho se pampiri ya letho. Ena ha se tlwaelo e ntle. Mabaka a mabedi. La pele, ke taba e kgahlanong le molao wa naha ho etsa kgwebo ntle le ho pepesa mesebetsi ya hao ho ba SARS. La bobedi, o ke ke wa kgona ho etsa diqeto tsa sebele tsa kgwebo haeba o sa boloke bopaki bo feletseng ba tjhelete kaofela e keneng le e tswileng. Hopola hore kaofela re sebedisa ditshebeletso tsa mmuso, mme ke boikarabelo ba moahi e mong le e mong wa naha ho lefella lekgetho la naha. Re sitwa ho qoba taba ya ho lefa lekgetho empa re una melemo e lefellwang ke lekgetho. Hopola hore mmuso o sebedisa makgetho ho lefella ditsela, dikolo, ditshebeletso tsa bophelo bo botle le sepolesa, jwalojwalo.
Haeba o ikemiseditse ho ba molemi wa sebele ya hwebang - se qeaqee, ingodisetse lekgetho la VAT hammoho le la Tjhelete e kenang ya hao.
<fn>PulaImvula. Voice.2009-11.st.txt</fn>
Nakong ya NAMPO 2009, tse ding tsa ditho tsa 250 Ton Club hammoho le balemi ba boemo bo phahameng lenaneong di ile tsa memelwa kopanong. Maikutlo e bile hore nako jwale e fihlile hore balemi ba batho ba batsho ba ntseng ba thuthuha ba be le lentswe, mme ba shebane le ditaba tseo ba boneng e le tsa bohlokwa.
Tshehetso mabapi le inshorense ya tse sebediswang temong.
Potso e teng ya sehlooho eo Afrika Borwa e tshwanetseng ho ipotsa yona - na re batla ho ikemela dijong kapa re batla ho ipeha kotsing ya ho nna re thuswa ka dijo tse romellwang di etswa ka ntle Molemo wa bohwai ka dijothollo o tlasa kgatello e matla, mme e batla e le taba e ke keng ya etsahala hore balemi ba kgone ho hlahisa dijothollo tse lekaneng ho ka ikemela ka maoto?
Balemi ba Afrika Borwa ba lemang tikolohong eo ka kakaretso e ommeng, ba tshwanetse ho hlodisana le dijothollo tse romellwang di etswa ka ntle. Dijothollo tse hlahiswang tlasa maemo a betere a tlelaemete, mme tse ding tsa tsona di bile di tshehetswa ka ditjhelete ke mebuso e meng.
Afrika Borwa taba ya ho etsa "thotobolo", e leng e etswang ke dinaha tse tswetseng pele.
Teranseporoto ya mebila e phahame haholo ka theko, mme tsamaiso ka terene ha e sebetse ka mokgwa o lekaneng.
Mokgwa wa teranseporoto ya seporo o tshwanetse ho tsoselletswa.
Ha ho makgetho a ka tshireletsang balemi ba selehae.
Ditefello tsa thepa e kenang di bohlokwa tshirelletsong ya balemi ba rona.
Nakong tse ntle tsa sehla, re na le tlhahiso ya poone, e leng e fetang tekano, mme ha ho dihlahiswa tse ding tseo molemi a ka di hlahisang le ho etsa phaello ka tsona - mabele, soneblomo le dinawa tsa soya di hlahiswa ho feta tekano, mme theko ya jwale ya koro e etsa hore e be taba e ke keng ya kgonahala ho e hlahisa tlasa maemo a komello.
"Sekema sa phapanyetso ya makgulo" se tshwanetse ho sebediswa e le hore mebu e fokolang e a tloswa tlhahisong ya dijothollo le ho fetolelwa makgulong a tlhahiso ya nama le ya tshwele.
Mebaraka ya dijothollo e tshwanetse ho atoloswa.
Mekgwa e metle ya temo le kgatelopele ya theknoloji di ekeditse kuno hore e fihle maemong a tlhahiso e fetang tekano.
Balemi ba tshwanetse ho sebedisa mokgwa wa phetolo e fokoditsweng ya mobu kapa ho se phethole mobu (no-till) e le ho fokotsa ditjeo.
Phapang e kgolo e teng pakeng tsa theko eo molemi a e fumanang mabapi le sehlahiswa sa hae le theko eo moreki a e lefellang dijo tsa hae - ha eba mokenadipakeng a ne a ka nka phaello e nyane, molemi le moreki ba ne ba ka una molemo.
Tlhahisoleseding e tshwanetse ho fihla bathong e le hore motho ka mong letotong la tlhahiso ya dijo a tsebe maemo a ditjeo.
Ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang temong.
Taba ya tumellano mabapi le phahamiso ya ditheko e tshwanetse ho fuputswa.
Ditjeo tse phahameng tsa tjhelete e adingwang.
Banka ya Lefatshe e tshwanetse ho fana ka monyetla wa kadimo ya tjhelete ka tswala e tlase.
Ditheko tsa dijothollo di tlase haholo.
Tefello ya inshorense kgwedi le kgwedi e ka etswa mabapi le dijothollo tse hlahiswang ke balemi. Sena se ka ba molemong wa ba sebetsang hantle, mme sa etsa le hore ba kgone ho atolosa tshebetso ya bona.
Boholo ba mobu o abilweng bo lahlehile tlhahisong - diprojeke di nyopile.
Mekgwa e sebediswang ho kgetha.
Mekgwa ya ho kgetha e tshwanetse ho kenyelletsa kwetliso ya nako e fetileng, e leng temo le boiphihlelo.
Bopaki ba bokgoni le boinehelo ba batho ba bonahalang e le majalefa.
Ntshetsa pele tshebetso ya mekgatlo ya thepa tshebetsong ya ho kgetha hammoho le tshehetsong ya balemi.
Tshehetso e fuwang baamohedi.
Ba tshwereng ditaba Lefapheng la Naha ha ba na kutlwisiso ya temo.
Boradipolotike ha ba tsebe ka temo.
Ditshebeletso di tsamaya butle - ditumellano tse ngata di felletse moyeng.
Mesebetsi e tshwanetse ho phethwa ka mokgwa o hlwahlwa le ho tsamaiswa ke batho ba nang le tsebo.
Tieho ditefellong tsa mobu.
Mesebetsi e tshwanetse ho phethwa ka mokgwa o hlwahlwa le ho tsamaiswa ke batho ba nang le tsebo.
Maano a fetohang nako le nako.
Seo ho ithutilweng sona se tshwanetse ho sebediswa.
Mobu ka boona ha o a lekana.
Ditlhoko tse ding tse kang mehlape, metjhine le thuso ya kadimo mabapi le tlhahiso, ke tse tshwanetseng ho ba teng ho tloha qalong.
Balemi ba mafolofolo haholo ho adima tjhelete empa ba hloka matla a letho diqetong, e ka ba mabapi le tswala, kapa ditheko tsa dijothollo tsa bona.
Banka ya Lefatshe e tshwanetse ho thusa balemi ka ho otloloha mabapi le ditjhelete, e le hore ba kgone ho fumana ditheolelo tse phahameng ha ba reka.
Balemi ha ba tshehetswe hantle kapa hona ho eletswa hantle mabapi le mmaraka wa dijothollo tsa bona.
Balemi ba hloka keletso ya nnete mabapi le mebaraka ya dijothollo.
Mekgatlo e adimanang ka tjhelete e etsa jwalo ka tjhelete e tswang ho Land Bank le IDC, empa ha e une menyetla ya sekgahla se tlase sa tswala.
Ponaletso e a hlokahala mabapi le tswala e lefshwang.
Dikadimo hangata di tjhaellwa monwana nako e se e ile.
Dikadimo di tshwanetse ho tjhaellwa monwana kapele e le hore balemi ba itokisetse dijothollo nako e sa le teng.
Dinyehlisetso dikhamphaneng tsa phepelo hangata ha di fetisetswe ho balemi.
Balemi ba thuthuhang ba tshwanetse ho una molemo ditheolelong kapa dinyehlisetsong.
Makgetho a bohlokwa a sebediswe ho tshireletsa balemi.
Mmuso o tshwanetse ho jara ditjeo tsa 35% tsa tlhahiso tseo hajwale di leng mahetleng a inshorense ya thepa ya temo.
Tshehetso ya ditjhelete ya mmuso e tshwanetse ho ba teng mabapi le ho fetolela mebu e kgathetseng ho ba ya makgulo.
Mmuso o tshwanetse ho lefella tshebediso ya kalaka mabapi le tokiso ya pH ya mobu.
Mmuso o tshwanetse ho lefella tshebediso ya phosphate moo boemo ba phosphate bo seng bo le tlase.
Mananeo a tshehetso ho balemi a tswang mafapheng a fapaneng a tshwanetse ho hokahanngwa.
Tlatsetso ya diofisiri tsa katoloso mekgatlong ya thepa e tshwanetse ho sekasekwa ka ihlo la ho ntlafatsa ditshebeletso.
Maikutlo a tshwanetse ho behwa "ho kenngweng ha thepa e ntjha le ntlafatsong ya yona" lehlakoreng la disebediswa tsa temo.
Mafapha a paballo ya thota le mobu a leng ka hara Lefapha la Temo a tshwanetse ho matlafatswa le ho fuwa bokgoni.
<fn>PulaImvula. WaterMaize.2009-09.st.txt</fn>
Lefatshe le na le metsi a seng makae a ntseng a potoloha jwalojwalo. Hona ho bitswa saekele ya metsi.
Moyafalo ke ketsahalo e bang teng ha letsatsi le tjhesa metsi dinokeng kapa matamong, mme ebe metsi a fetoha mohudi/moya o leswe. Moya ona o leswe o tloha nokeng kapa letamong, mme o kgutlela moyeng hape.
Kgwamo ke ketsahalo eo ka yona dimela di lahlehelwang ke metsi ka mahlaku a tsona. Moyafalo le moyafalo dimeleng ke diketsahalo tseo ka tsona metsi a kgutlelang moyeng hape.
Kgwamo ke ketsahalo eo ka yona moya o leswe o hatselang, mme o boelang o nka sebopeho sa sephalli le ho bopa maru.
Momahano e etsahala ha metsi a mangata a se a hwamme hoo moya o sitwang ho a jara. Maru a ba boima, mme metsi a kgutlela lefatsheng a nkile sebopeho sa pula, sefako, motswako wa sefako le lehlwa kapa lehlwa.
Ha metsi a kgutlela lefatsheng e le momahano, a ka nna a kgutlela lewatleng, matamong kapa dinokeng, kapa a qetella a le lefatsheng. Ha a qetella a le lefatsheng, a tla monyela mobung le ho fetoha karolo ya "metsi a mobu" a ka sebediswang ke dimela le diphoofolo, kapa a ka imathela feela le ho bokellwa ke matsha, matamo, dinoka, mme qetellong a bokellwa ke lewatle - mme tshebetso ena e boela e simolla hape.
Hobaneng dimela di hloka metsi?
Metsi a thusa dimela ho ema di otlolohile. Semela se setjha se ka ba le 90% ya metsi kapa ho feta mona. Boholo ba disele ke metsi a thusang semela ho ema se tiile. Ha semela se haellwa ke metsi se a kobeha le ho tenyetseha. Tahlehelo e kgolo haholo e baka ho shwa ha sona.
Metsi a phodisa semela ka tshebetso ya moyafalo.
Metsi ke karolo e bopang. Ka carbon dioxide dimela di kgona ho etsa carbohydrates.
Metsi ke senolofatsi se tsamaisang diminerale tse qhibidihileng mobung. Tsena di tsamaiswa ka metso ho ya dikarolong tsohle tsa semela.
<fn>PulaImvula. Weather.2007-11.st.txt</fn>
Pula ya sehla se fetileng, haholoholo nako e hlokolotsi ya ho tloha ho Pherekgong 2007 ho isa ho Hlakubele 2007 e bile e ommeng haholo le ho feta ka 1992 ha ho ne ho rekotwa komello e mpempe haholo. Ho bile teng mabatowa, haholoholo ho potapota Gauteng le dikarolo tse ka bophirimela tsa Mpumalanga, tse fetileng komellong e mpe ka ho fetisisa ha esale ho tloha ka 1912.
Ho ya ka Mong. Johan van den Berg wa ARS, ho teng matshwao a bontshang ntshetsopele ya La Nina e bonahalang e le matla. Ho lebelletswe hore tshwaetso ya La Nina e tshwanetse ho ba teng ho fihlela bonyane ka hwetla ya 2008. Sephetho sa hona ke hore menyetla e phahame haholo ya pula tse ntle nakong e hlokolotsi ya ho tloha ho Tshitwe 2007 ho isa ho Hlakubele 2008.
Ditshwantsho 1 - 3 di bontsha menyetla ya ho fumana bonyane pula e tlwaelehileng. Dibaka tse tshehla di bontsha pula e tlwaelehileng, botala bo bontsha ka hodima palohare ya pula, bosootho bo bontsha ka tlasa palohare ya pula. Bolepi mabapi le dikgwedi tse tlang bo bontsha palohare (tshehla) ho isa ka hodima palohare (botala), e leng dipalo tsa pula e lebelletsweng. Menyetla ya pula ka ho qolleha e metle ka Tshitwe 2007 le Pherekgong 2008.
Monyetla wa ho fumana bonyane 20 mm ya pula nakong ya matsatsi a leshome o sebeditswe mabapi le dikarolo tse itseng - sena se ka bonwa ditshwantshong tsa 4 - 7. Tebello e theilweng hodima palohare ya nako e telele, e bontshwa ka bofubedu, mme kgonahalo ya sehla sena (2007/2008) e bontshwa ka bobolou.
Mabatowa a bolou a bontsha dinako tse nang le monyetla o motle wa pula e ka hodima ya tlwaelo. Ha re nka ntshetsopele ya La Nina, menyetla ya ho fumana pula e ntle, e bonahala ka Tshitwe, karolo ya pele ya Pherekgong, mme e be maqalong a Hlakola 2008 ho isa ho Hlakubele 2008.
Tlhahisoleseding e ka hodimo e bokelletswe ke Mong Johan van den Berg wa ARS. Ditaba tse ding ho feta mona di fumanwa websaeteng ya Grain SA (www.graansa.co.za).
<fn>PulaImvula. Weeds(maize).2011-09-27.st.txt</fn>
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi ya seng a beile meja fatshe
Ka mora ho jala kgweding ya Mphalane ho isa mahareng a Tshitwe, e leng nako ya ho jala, mabatowa a mangata a tlhahiso ya poone a ile a fumana pula e ngata kgafetsa. Mapolasing a mangata, maemo a mongobo a sitisitse taolo e ntle ya mahola ka metjhine pakeng tsa mela nakong yohle ya sehla.
Balemi ba sa kang ba laola mahola ka dikhemikhale, mme ba sa ka ba fafatsa pele dimela di hlaha mobung kapa ba sitilweng ho sebedisa dikhemikhale ha dimela di se di hlahile, ba ka nna ba shebana le bothata bo boholo ba mahola sehleng sena se tlang. Dimela tsa mahola tse kgonang ho etsa peo di qetella di entse dimilione tsa peo tseo e ka bang di se di hasantswe masimong pele ho sehla sena se tlang sa tlhahiso, sa lehlabula.
Balemi ba phetholang hanyane le bona ba kopane le bothata ba ho laola mahola masimong haeba sesebediswa se sa ka sa sebediswa ho fafatsa lenaneong le rerilweng la ho laola mahola pele ho/kapa nakong ya ho jala. Ka hoo, ho bohlokwa haholo ho hlahloba masimo a ilo jalwa e le hore paterone ya ho phatlalla ha mahola a tshwenyang e ka hlokomelwa. Lenaneo le nepahetseng la dikhemikhale le la ho fafatsa, hammoho le mothusi kapa moeletsi wa tsa taolo ya mahola, jwale le ka rerwa hantle.
Ho ya ka maemo a mongobo a leng teng, hammoho le pula e seng e nele kgweding ya Phato, ho a bonahala hore maemo ana a mongobo a tla sitisa hape ho lemellwa ha mahola ka metjhine hammoho le taolo ya hao ya mahola ka ho fafatsa selemong sena. Ka hoo, kgothaletso ke hore haeba o nnile wa sebedisa feela mokgwa wa taolo ya mahola ka metjhine, o ke o nahane ho etsa qeto ya ho reka sefafatsi se lokelang.
Mefuta e mengata ya difafatsi tse lokelang ho hokahanngwa diterekereng tsa hao, ho kenyeleditswe ditanka tsa dilithara tse 600 le tse 1 000 le difafatsi tse telele (booms) tsa ho tloha dimithareng tse 12 ho isa ho tse 16, e a fumaneha mebarakeng ya selehae. Diyunite tsa ditanka tsa dilithara tse 1 000 di tshwanetse ho sebediswa feela diterekereng tse nang le bokgoni ba ntlha-tharo ba ho phahamisa ba ditone tse 1, 5 kapa ho feta moo.
Diyunite tse etswang hona naheng ena di hlodisana ka ditheko, mme dikarolwana tsa tsona tse ka rekwang (spares) di fumaneha ha bonolo nakong ya sehla. Ha o reka yunite e tswang ka ntle ho naha ya rona, etsa bonnete hore morekisi wa yona o o fa tiisetso ya hore dipompo kapa diaphramo tsa dipompo di a fumaneha, mme o dule o ena le mefuta e fapaneng ya melongwana ya difafatsi (spray nozzles). Tshebediso ka nngwe e hloka melongwana e ikgethileng, e nang le dipaterone tse fapaneng tsa ho fafatsa le masobana a fapaneng. Di-setting tsa kgatello mabapi le molongwana ka mong di bohlokwa haholo ho tiisa hore ho fihlellwa boholo bo nepahetseng ba marothodi tshebetsong e itseng hore dibolayalehola di kgone ho etsa mosebetsi o phethahetseng.
Haeba o kgona ho reka yunite e hoketsweng tereilareng, hona ho na le melemo e itseng ho feta ya yunite ya hydraulike ya ntlha-tharo. Ho fela ha diparete (parts) ho a emisa, mme terekere le sefafatsi di sebedisana mmoho ka ho lekana, e leng se tlisang tshebetso e ntle le phokotseho ya ho teteana ha mobu. Diyunite tsa dilithara tse 2 000 le tsona di etsa hore boholo ba masimo bo kgone ho fafatswa pele tanka e boela e tlatswa hape ka motswako. Dula o hopola hore ho bonolo hakaakang ha o lokela ho arohanya lebidi ka tshwanelo yuniteng e hoketsweng tereilareng, e tshwanetseng ho hokahana le terekere hore plantere e kgone ho arohanya mela, le ka moo dikonopo di ka fihlellwang ha bonolo motho a ntse a ituletse setulong.
Metsi a manyane a ka sebediswang motswakong wa tanka e ka ba dilithara tse 200 hekthara ka nngwe ho tiisa hore ho fafatswa mobu ka tshwanelo. Tanka ya dintlha tse tharo e nkang dilithara tse 600 e tla sebediswa dihekthareng tse tharo pele e tlatswa hape ka metsi le metswako.
Ha o rera ho fafatsa, nahana ka boholo ba sebaka se ilo fafatswa, nako, boteng le phumano ya metsi a lokelang, palo ya diterekere le disebediswa tse ding tsa temo, ho kenyeleditswe tereilara e ka tshwarang dilithara tse 5 000. Keletso hape ke hore tereilara e tsamaisang metsi e be le pompo e ka kgonang ho tshwara metsi a mangata hore tanka ya dintlha tse tharo kapa tanka ya tereilara e ka tlatswa kapele.
Ho rerwa hantle le tlhokomelo ya disebediswa kaofela ho tshwanela ho etswa ka hloko e le ho fokotsa mathata a ka bang teng masimong nakong ya ho jala. Temo ya sejwalejwale e molemo e ke ke ya eba teng ntle le tsebo e ntle ya taolo ya mahola ka dikhemikhale le tshebediso e tswileng matsoho ya tsona ka sefafatsi se nepahetseng. Ka mehla sebedisa moeletsi/morekisi ya nang le tsebo ho o thusa mererong ya hao le tshebedisong ya dibolayalehola le dibolayakokwanyana.
Haeba o se na diterekere tse lekaneng kapa tjhelete e ka o thusang, nahana taba ya ho sebedisa motho wa rakonteraka ya nang le sefafatsi se seholwanyane. Ditefello tse batlwang ke bona di pakeng tsa R65 le R100 hekthara ka nngwe le diesel. Sebaka se sengata masimong se ka sebetswa motsheare le bosiu ka thuso ya mekgwa ya GPS. Le ha ho le jwalo, etsa bonnete pele o kena ditumellanong dife kapa dife hore na rakonteraka o tla kgona ho fihla ka nako ha a hlokahala, le hore lona ka bobedi na le tseba sesebediswa se tla sebediswa, le hore se tla tswa ho mang. Borakonteraka ba bang ha ba na diteraka tsa bona kapa ditanka tse hoketsweng tereilareng. Haeba o se na metsi a mangata a hlokwang ke sefafatsi sa rakonteraka, tahlehelo ya nako le ya mosebetsi e tla baka dikgohlano tse sa hlokahaleng le ho le siya le tsielehile ka bobedi ba lona.
Ditjeo tsa ho iphumanela disebediswa tseo e leng tsa hao hammoho le bokgoni ba ho fafatsa ka bowena ha ho hlokahala hekthara ka nngwe, ke dintho tse tshwanetseng ho bapiswa le ditjeo kaofela tsa ho fafatsa ha mosebetsi oo o tshwanetse ho etswa kaofela ke rakonteraka. Molemo o mong wa tlatsetso ke hore bongata ba borakonteraka ke batho ba tsebang haholo ka dikhemikhale le metswako e lokelang ho sebediswa, kapa ba tsebanang haholo le ditsebi tsa disebediswa tse kang dibolayalehola.
Ho molemong wa hao hore ka dinako tsohle o hlokomele ha ho etswa mosebetsi wa ho fafatsa. Hape keletso ke ho buisana le dikhamphane tse ngata tsa dikhemikhale ho bapisa ditjeo tsa dikhemikhale hekthara ka nngwe, le ho lekola boemo ba tshebeletso eo o tla e fumana. Hopola hore morekisi e mong le e mong wa dikhemikhale o tshwere ka thata nakong ya sehla, mme a ka nna a sitwa ho ba le nako e ntle ya hao mabapi le thuso mabapi le metswako ya dikhemikhale tsa tanka le dinolofatsi hammoho le ho shebana le sekgahla sa tshebediso ya metswako. Ntle le tsebo, le hoja motho a ikemiseditse ho etsa dintho ka morero o motle, a ka nna a fokotsa kapa a eketsa dikhemikhale ho feta tekano e nepahetseng.
<fn>PulaImvula. Weeds.2008-02.st.txt</fn>
Photo 1: Masimo ana Kaapa Botjhabela a ne a sa fafatswa ho hang ka sebolayalehola, ka hoo, ke mahola feela.
Photo 2: Masimo ana Kaapa Botjhabela a fafaditswe ka sebolayalehola hang hoba ho jalwe.
Photo 3: Malepa setshwantshong sena ke ho supa semela sa poone!
Photo 4: Sefe e thibane sefafatsing.
Photo 5: Melongwana e thibane sefafatsing.
Photo 6: Se a thibana sefafatsi ha se sa hlwekiswe le ho hlokomelwa.
Ditshwantsho 1 le 2 ke tsa masimo a le mang Kaapa Botjhabela - a nang le mahola ke a sa kang a fafatswa ho hang ka sebolayalehola, ha a mang ona a fafaditswe hang hoba ho jalwe - phapang e hlakile!
Lehola ke eng?
Semela sefe kapa sefe se melang moo se sa tshwanelang se ka bitswa "lehola". Mahola a baka mathata temong ya dijothollo ka mabaka a fapaneng - a hlodisana ka mongobo, kganya, sebaka le menontsha, mme a ka baka mathata hape le nakong ya kotulo, hape a ka nna a ba le tshwaetso e mpe dijothollong kapa a senya mmala wa tsona. Peo ya ona e ka nna ya ba le tjhefo, mme a ka nna a fetoha sebaka moo tse tshwenyang, jwalo ka dikokwanyana, di ka ipatang teng. Hape mahola e ka ba sebaka moo malwetse a hlaselang dijothollo a ka ipatang teng.
Mahola a na le matshwao a ho hola ka potlako a le mangata, a ata ha bobebe le ho hola ka sekgahla. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. A boima ho laolwa, a manganga, a hlodisana ka matla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola a fihlela boemo bo phethahetseng ba kgolo a sa le manyane, mme ka baka lena, a tswala a mang (ikatisa) kapele.
Mahola a na le mekgwa e fapaneng ya ho ikatisa, mme taba ena e tshwanetse ho elwa hloko ha ho kenwa morerong wa ho a laola. Mahola a ka etsa peo (hangata ka potlako e kgolo le ka sekgahla), a mang a na le dikutu tse ka tlasa mobu (rhizomes), a mang a na le metso e thatikang ka hodima mobu (stolons), a mang a na le dikotola (bulbs). Maemong a mang, jwalo ka jwanng ba 'nut', a beha peo. 'Nut' e na le dikutu le dikotola ka tlasa mobu - e leng se etsang hore ho be boima le ho feta ho a laola. Peo tsa mahola hangata di dula di ntse di phela nako e telele - di kgona ho dula mobung ho fihlela maemo a di loketse hore di ka mela. Peo tsa mahola hape ha di mele kaofela ka nako e le nngwe - tse ding di a mela, ha tse ding di tla mela hamorao. Ho mela hona ho bakwa ke ho lema/phethola mobu. Metso ya mahola hangata e kenella tlase mobung le ho nama ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena, metso e kgona ho tshwarella nako e telele. Mahola a dipula tse dulang di ena hangata a na le dijo tse ngata tse bolokilweng ka thoko dikarolong tsa yona tsa metso - hape e leng se a thusang ho tsetsepela nakong ya maemo a boima a ho hola.
Mahola a mahlaku a masesanyane (monocotyledonous weeds) a bitswa mahola a kang jwang, mme a mang ona a bitswa (dicotyledonous weeds) e leng a lehlaku le sephara.
Mahola a ka nna a phetha saekele ya ho phela ha ona nakong ya selemo - kapa ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo, kapa a ka phela nako e fetang selemo empa eseng ho feta lemo tse pedi (biennial weeds), kapa a ka nna a phela nako e telele, mme a hlahisa a mang selemo le selemo. Ana a bitswa 'perennial weeds'.
Bohlokwa ke bofe ba ho laola mahola dijothollong?
Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa ho hola ha dijothollo le tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kotulo. Hape e tshwaetsa hampe peo ya dijothollo, e fokotsa kuno kapa boleng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano e bakwang ke mahola e fapana ka dijothollo le ka mahola - e ka nna ya baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98%.
Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo ha a se a fihlelletse kgolo e phethahetseng ya metso - hang ha a se a le boemong ba mahaba. Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela ho etsa peo, e leng moo jwale e bang malala a laotswe ho hlodisana le dijothollo tse tla latela hamorao.
Molemi e mong le e mong ya ikemiseditseng ho hlahisa dijothollo o kene ntweng kgahlanong le mahola - ke sera sa pele sa molemi. Ka kakaretso, mahola a laolwa ka dikhemikhale kapa dibolayalehola - kapa ka ho sebedisa mekgwa ena kaofela. Taolo e hlwahlwa ya mahola ke e tshwanetseng ho siya masimo a se na letho ha e se feela dijothollo tse jetsweng moo - ho se mahola ho hang! Le ha ho le jwalo, kgomo e ka nna ya raha kgamelo ha eba mahola a sa laolwe ka nepo.
Se bakang taolo e fokolang ya mahola ke sefe?
Ho teng mabaka a mararo a motheo a bakang taolo e fokolang ya mahola - la pele le amana le sesebediswa se phetholang mobu; la bobedi le amana le sesebediswa se fafatsang; la boraro le amana le maemo a lehodimo (bosa).
Dikere tse lemang di sa arohanngwa ka nepo e le ho fihlella mobu ohle pakeng tsa mela ya dijothollo (e ka nna yaba di se di fetse hoo di sitwang ho kalamana).
Mosebetsi wa ho lema ha o etswe ka botebo bo nepahetseng - metso ya mahola a hlahang selemo le selemo e ka nna ya sala mobung o mongobo o tla a dumella ho boela a tswela pele hape.
Mosebetsi ona ha o etswe ka lebelo le nepahetseng - ho bohlokwa ho lema ka lebelo le batlang le potlakile e le ho sebetsana le mobu ka mokgwa o lekaneng.
Mobu o metsi haholo, mme metso e fotholwang e ntse e thetsane le mobu o mongobo, mme mahola a kgona ho tswela pele.
Ho sothwa ha sefafatsi ho fosahetse.
Nako e behilweng ho laola mahola e sa nepahala.
Sebolayalehola se sebedisitsweng e se se loketseng mofuta wa mahola masimong.
Sefe sefafatsing e thibane (Photo 4).
Melongwana sefafatsing e thibane (Photo 5).
Mefuta e fosahetseng ya melongwana e ile ya sebediswa hopola ho sebedisa melongwana ya khoune 'cone' ho fafatsa dimela, le melongwana ya mofuta wa fene 'fan' ho fafatsa mobung.
Ha sefafatsi se sa hlwekiswa ka nepo le ho hlokomelwa ka mora sehla se fetileng - ho thibana ho fapaneng ho ka etsahala, hammoho le mafoome ka baka la dikhemikhale tse salletseng sefafatsing.
Dikhemikhale tse itseng di hloka pula hoba di sebediswe, e le hore di sebetse ka matla - ha pula e le siyo, di ke ke tsa sebetsa.
Nako e tjhesang kapa e ommeng haholo e ka nna ya etsa hore dikhemikhale di se sebetse.
Dipula tse matla tse nang hoba masimo a lengwe, di ka nna tsa baka hore mahola a boele a 'lengwe hape'.
Bohlokwa ba taolo ya mahola bo boholo - ntle le taolo e nepahetseng ya mahola, kotulo e lebelletsweng e ke ke ya eba teng. Le hoja mabaka a mangata a bolelwa artikeleng ka hodimo mabapi le hore hobaneng ha taolo ya mahola e sa phethahale, boholo ba dintlha bo amana le tsamaiso - mohlomong nako e se e re siile bakeng sa sehla sena, empa dithuto tseo ho ithutilweng tsona sehleng sena di tla ba bohlokwa haholo sehleng se tlang. Re tshwanetse ho hahamalla ho etsa feela diphoso 'tse ntjha', ka ho ithuta ka diphoso tseo re di entseng, le ho nka mehato ya tokiso mabapi le bokamoso.
<fn>PulaImvula. Weeds.2008-04.st.txt</fn>
Sera se seholo ka ho fetisisa sa molemi wa dijothollo ke mahola, mme lenaneong la rona la ntshetsopele re fihletse qeto ya ho tswa ntjeng le ho lwana e mahlomafubedu kgahlanong le sera sena!
Mabatoweng a mangata moo ho hlahiswang dijothollo tsa hlabula, sehla sena e bile sa tlhahiso e ntle ka ho fetisisa. Ka bomadimabe, ha maemo a le matle bakeng sa dijothollo, a boetse a matle bakeng sa mahola. Ho teng masimo lemong sena moo ho bileng boima ho bona dijothollo ka hara mahola, mme tshenyehelo eo sena se e fupareletseng molemi ke e ke keng ya lekanngwa. Dilemong tse mmalwa tse fetileng, balemi ba dijothollo ba hutse ha boima ka tlhako tsa morao, e le ha ba shebile phaello e siyo - re ke ke ra kgona ho lahlehelwa ke dijothollo ka mokgwa ona, le hona ho sa hlokahale.
Mohlomong o maketse hore hobaneng re tshwenyeha ka mahola kgweding ya Mmesa. Hona jwale, ho ke ke ha eba molemo o mokaalo ho leka ho laola mahola dijothollong tse teng hona jwale. Lebaka ke hobane mahola a se a entse tshenyo (ha e se feela ho a thibela ho etsa peo e tla hlasela masimo lemong se tlang). Le ha ho le jwalo, hore re kgone ho hlola sera ka mokgwa o phethahetseng, re tshwanela ho tseba sera sa rona - o sitwa ho lwantsha ntho eo o sa e tsebeng, eo o sitwang le ho e lemoha. Ena ke nako e ntle haholo ya hore o hlahlobe masimo a hao le ho bona hore ke mahola afe a melang moo - mahola a leng teng moo hona jwale a ka nna a ba teng moo hape le lemong se tlang (le selemong se hlahlamang seo ha o sa nke mehato e matla ya ho a laola).
A ata jwang - ka peo, kapa ka metso, kapa ka dikotola, jj.
Mahola ana a ka lwantshwa nakong efe ya selemo?
Ke dikhemikhale dife tse ngodisitsweng tse ka sebediswang maholeng ao?
Dikhemikhale di tshwanetse ho sebediswa neng maholeng/kapa mobung?
Hang ha o se o ena le tlhahisoleseding mabapi le mahola ao e leng qaka ho wena, o tla be o le malala-a-laotswe ho ka a laola o ntse o shebile sehla se hlahlamang - Ema o le malala-a-laotswe hore o hlole ntwa ena e mpempe, le hore qetellong o tle o hlahelle o le ya hlotseng! Ema ka maoto!
<fn>PulaImvula. Weeds.2009-11.st.txt</fn>
Semela sefe kapa sefe se melang moo se sa tshwanelang se ka bitswa "lehola". Ke sera ho molemi wa dijothollo - mahola a hlodisana mabapi le mongobo, kganya, sebaka le menontsha, mme a ka baka mathata hape le nakong ya kotulo, hape a ka nna a ba le tshwaetso e mpe dijothollong kapa ho senya mmala wa tsona. Peo ya ona e ka nna ya ba le tjhefo, mme a ka nna a fetoha sebaka moo tse tshwenyang, jwalo ka dikokwanyana di ka ipatang teng, hammoho le malwetse a ka hlaselang dijothollo.
Mahola a na le matshwao a ho hola ka potlako a le mangata, a ata ha bobebe le ho hola ka sekgahla. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. A boima ho laolwa, a manganga, a hlodisana ka matla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola a fihlela boemo bo phethahetseng ba kgolo a sa le manyane, mme ka baka lena, a tswala a mang (ikatisa) kapele.
Metso ya mahola hangata e kenella tlase mobung le ho nama ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena, metso e kgona ho tshwarella nako e telele. Mahola a dipula tse dulang di ena hangata a na le dijo tse ngata tse bolokilweng ka thoko dikarolong tsa yona tsa metso - hape e leng se a thusang ho tsetsepela nakong ya maemo a boima a ho hola.
Mahola a ka nna a phetha saekele ya ho phela ha ona nakong ya selemo - kapa ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo, kapa a ka phela nako e fetang selemo empa eseng ho feta lemo tse pedi (biennial weeds), kapa a ka nna a phela nako e telele, mme a hlahisa a mang selemo le selemo. Ana a bitswa "perennial weeds".
Bohlokwa ke bofe ba ho laola mahola dijothollong?
Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa ho hola ha dijothollo le tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kotulo. Hape e tshwaetsa hampe peo ya dijothollo, e fokotsa kuno kapa boleng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano e bakwang ke mahola e fapana ka dijothollo le ka mahola - e ka nna ya baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98%.
Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo ha a se a fihlelletse kgolo e phethahetseng ya metso - hang ha a se a le boemong ba mahaba. Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela ho etsa peo, e leng moo jwale e bang malala a laotswe ho hlodisana le dijothollo tse tla latela hamorao.
Mekgwa e mmedi ya sehlooho ya taolo ya mahola - ke ya metjhine le ya dikhemikhale. Hangata ho lema feela kapa ho kenyelletswa ha dibolayalehola hammoho le ho phethola mobu, ke mokgwa o baballang ditjeo ka ho fetisisa o ka sebediswang. Kgetho ya mokgwa e itshetlehile feela ka se ratwang ke molemi, boiphihlelo le tsebo, hammoho le phumaneho ya mosebetsi, diterekere le disebediswa - haholoholo nakong ya ho jala le hang feela ka mora moo.
Tsamaiso mabapi le taolo ya mahola e tshwanetse ho shejwa e le karolo ya bohare ya temo ya poone, mme e tshwanetse ho shejwa nakong ya ho phetholwa ha mobu, tokisong ya tshingwana ya peo, nakong ya ho jala le nakong ya mehato ya kgolo ya dijothollo.
Taolo ya mahola ka metjhine e kenyeletsa ho kgaola mahola e le ho thibela ho bopeha ha peo, kapa, e leng taba ya bohlokwa, ho fothola mahola ka ho sbedisa terekere le sesebediswa se nepahetseng. Mokgwa ona o nepahetse haholo pele ho jalwa (ho boloka mobu o hlwekile) le nakong ya mehato ya pele ya tswelopele ya dijothollo. Ho bohlokwa ho laola mahola a sa ntse sa le manyane ho thibela tlhodisano mabapi le mongobo wa mobu, hammoho le ha dijothollo di sa ntse di le nyane e le ho etsa bonnete ba hore ho lema ha ho senye metso ya dijothollo. Mahola a kgale, a seng a tiile, a na le metso e seng e tswetse pele hantle, mme taolo e hlwahlwa ya ona ka metjhine ke e tshwanelang ho hlasela, hommeng e ka nna ya lematsa metso ya dijothollo.
Ho teng dikhemikhale tsa diphalli, tse metsi, dithollo le dikgase, tse ka sebediswang ho laola nahola. Methamo e nepahetseng le nako e nepahetseng mabapi le tshebediso ya dibolayalehola ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa.
Dikhemikhale tsena di mekga e mmedi; dibolayalehola tse sehetsweng meedi le tse sa sehelwang meedi. Tse sa sehelwang meedi di bolaya semela sefe kapa sefe seo di kopanang le sona, ha tse sehetsweng meedi tsona di bolaya lehola le itseng ntle le ho ama sejothollo ho hang. Tse sa sehelwang meedi di ka nna tsa sebediswa pakeng tsa mela ya dijothollo, mme ka hoo, ya bolaya mahola ntle le ho ama semela.
Dibolayalehola di boetse di sebetsa ka mekgwa e mmedi - tse ding di sebetsa ka ho amana, ha tse ding di sebetsa ka mmele wa semela. Dibolayalehola tse amang di ama semela seo di kopanang/thetsanang le sona, mme hore diphetho tse ntle ka ho fetisisa di fihlellwe, ho tshela ka metsi ho a hlokahala. Tsena di sebetsa ka matla maholeng a manyane a ntseng a hola. Dibolayalehola tse sebetsang ka mmele tsona di tsamaiswa ka hara semela, mme ka hoo, le ha di fafaditswe mahlakung, metso le yona e ka nna ya ameha.
Dibolayalehola di ka nna tsa hlophiswa e le tse ka sebediswang pele dijothollo di hlaha mobung, le tse sebediswang ha dijothollo di se di hlahile. Tsa pele dijothollo di hlaha, di monngwa ke metso e ntseng e tswela pele, ha tsa ha dijothollo di se di hlahile, di monngwa ke mahlaku le dikutu.
Ho a potlaka ho sebedisa dikhemikhale taolong ya mahola ho ena le ho ntsha mahola ao ka metjhine.
Boholo ba dikhemikhale bo sebetsa nako e telele, e leng se bolelang hore ha ho hlokahale ho tswela pele ka mehato e itseng taolong ya ona.
Nakong tse dihla tsa dipula, nakong eo seretse se sitisang diterekere ho kena masimong, taolo ya mahola ka dikhemikhale e hlwahlwa haholo (terekere e nang le sefafatsi e kenan masimong kapele ho feta e hulang mohoma).
<fn>PulaImvula. WeedsWheat.2008-09.st.txt</fn>
Semela sefe le sefe se melang moo se sa hlokahaleng teng kapa se sa batlweng teng se ka bitswa lehola. Mahola a baka mathata temong ya dijothollo ka mabaka a mangata - a hlodisana le dimela mabapi le mongobo le menontsha, a ka nna a baka mathata hape le nakong ya kotulo, a ka ba le tshwaetso e mpe dimeleng kapa ho fetola mmala wa tsona, mme peo ya tsona e ka nna ya ba tjhefo, mme a ka nna a iphetola sebaka moo dikokwanyana le malwetse di ipatang teng, e leng se ka amang dijothollo tse lebelletsweng.
Mahola a tsebahala ka ho ata ha peo e hlahang kapele le ka sekgahla se makatsang. A phatlalla le ho hola ka potlako ekgolo. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. Ho boima ho ka a laola, a thata, mme a hlodisana kamatla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola hangata a fihlela boemo bo tiileng a sa le manyane, mme ka baka lena a a ikatisa kapele.
Mahola a ikatisa ka mekgwa e mengata e fapaneng, mme sena se tshwanetse ho elwa hloko ha a laolwa. Mahola a ka etsa peo (hangata kapele le ka sekgahla), a mang a na le dikutu tse ka tlasa mobu (rhizomes), a mang a na le metso e nanarang ka hodima mobu (stolons), a mang a na le dikutu tse tenya, tse ikentseng polokwehadi, a mang a na le dikotola . Maemong a mang, jwalo ka jwanng ba nate (nut), mahola a beha peo, mme a ba le dikutu tse tenya le dikotola - e leng se boelang se thatafatsa ho ka a laola. Dipeo tsa mahola di dula di le mafolofolo nako e telele - di kgona ho leta mobung ho fihlela maemo a le matle hore di ka mela. Dipeo tsa mahola ha di mele kaofela ka nako e le nngwe - tse ding di a mela ha tse ding di tla mela hamoraonyana. Ho mela ha tsona ho thuswa ke ho phetholwa ha mobu.
Metso ya mahola hangata e kenella hare mobung le ka mokgwa o namalletseng ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena e kgona ho iphelela ha bonolo. Mahola a dinako tsa dipula tsa selemo hangata a bokella dijo tse ngata dikarolong tsa ona tse ka tlasa mobu - hape e leng se a thusang ho baballeha kgahlanong le maemo a boima. Mahola a jara boikarabelo tahlehelong e kgolo ya tlhahiso ya koro. Mabatoweng a dipula tsa hlabula, maholala mang, a kang soetgrass (blue grass), datura (olieboom) le lehola la khaki a ka baka mathata a kotulo nakong ya sehla se metsi sa selemo. Ka kakaretso, ho ka thwe koro e hlodisana hantle le mahola ka baka la metso e nammeng ya yona le ho teteana ha yona.
Mahola a moferefere a mariha ke hondebossie, amaranthus, morning glory (convolvulus), wild buckwheat le wild oats.
Mahola a lehlaku le sephara ka papiso a laoleha ha bonolo ka dikhemikhale, ha wild oats le mahola a mang a mofuta wa jwang, a ntse a itshwanela ka saekele ya ho hola jwalo ka koro, a ba kotsi e kgolo temong ya koro. Mahola a monocotyledonous a bitswa mahola a mofuta wa jwang, mme a dicotyledonous ona a bitswa mahola a lehlaku le sephara. Mahola a ka nna a phetha saekele ya bophelo ba ona nakong e ka tlase ho selemo - kapa nakong ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo); kapa a ka phela nako e fetang selemo empa e ka tlase ho lemo tse pedi (ana a bitswa a dilemo-pedi); kapa a ka phela nako e telele, mme a ikatisa selemo le selemo (ana a bitswa a nako e telele).
Bohlokwa ba ho laola mahola dijothollong ke bofe?
Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa kgolo ya dijothollo le ho kgina tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kuno ya dijothollo. Sena se ka baka tshwaetso e mpe peong ya dijothollo, kuno e fokotsehileng kapa phokotseho bolenng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano ya mahola e fapana ka dijothollo le ka mefuta ya mahola. A ka nna a baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98% kunong ya dijothollo. Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo hang ha a se a ena le metso e tiileng - hang ha a se a fetile mohato wa peo.
Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela mahola ho etsa peo le ho a sitisa ho ema a le malala-a-laotswe ho hlodisana le dijothollo tse ding hamorao.
Mekgwa e mmedi ya sehlooho ya ho laola mahola - ka metjhine le ka dikhemikhale. Hangata, ho phethola mobu ho le hong kapa ho kenyelletswa ha dibolayalehola mmoho le ho phetholwa ha mobu, e tla ba ona mokgwa o bonolo o ka sebediswang. Kgetho ya mokgwa o sebediswang e itshetlehile ka hore molemi o rata mokgwa ofe, o na le boiphihlelo bofe hammoho le boteng ba basebetsi, diterekere le disebediswa tse ding - haholoholo nakong ya ho jala le ka mora moo.
Tsamaiso maholeng e tshwanetse ho shejwa e le karolo ya bohlokwa temong ya koro, mme e tshwanetse ho nahanisiswa nakong ya ho phetholwa ha mobu, tokisong ya tshingwana ya peo, nakong ya ho jala, le nakong ya mehato ya ho hola ha dijothollo.
Taolo ya mahola ka metjhine e kenyeletsa ho kgaolwa ha mahola e le ho thibela mahola ho etsa peo, hammoho le taba ya bohlokwa, e leng ho motsula mahola ka terekere le sesebediswa se lokelang. Taolo ya mahola ka metjhine e lokile hantle pele ho jalwa. Ho bohlokwa ho laola mahola ha a sa ntse a le manyane e le ho qoba taba ya tlhodisano le dimela mabapi le mongobo.
Ho teng dikhemikhale tsa diphalli (liquids), dithollo le dikgase tse ka sebediswang ho laola mahola. Methamo e nepahetseng le tshebediso nakong e nepahetseng ya dibolayalehola ke ntlha ya bohlokwa. Dikhemikhale tsena di ka hlophuwa ka mekgahlelo e mmedi, e leng dibolayalehola tse kgethang (selective) le tse sa kgetheng (non-selective). Tse sa kgetheng di bolaya semela sefe le sefe seo di kopanang le sona, ke la rita! Tse kgethang tsona di bolaya lehola le itseng ntle le ho ama semela ho hang.
Dibolayalehola di boetse di sebetsa ka mekgwa e mmedi e fapaneng - tse ding di sebetsa ka ho thetsana/amana ha tse ding tsona di sebetsa mmeleng wa lehola. Dibolayalehola tse tshetsang, di ama lehola, mme ka hoo ho hlokahala mongobo o mongata mabapi le tshebetso ena. Mokgwa ona o hlwahlwa haholo maholeng a sa ntsaneng a le manyane kapa a matjha. Tse sebetsang ka hara semela (lehola) tsona di tsamaiswa ka hara semela, mme le ha se tshetswe feela mahlakung, metso le yona e a ameha.
Pele ho ka etswa qeto mabapi le mekgwa e ka sebediswang ho laola mahola, mahola a amehang a tshwanetse ho hlwauwa (ho kgethollwa), mme molemi o tshwanetse ho tseba hore mahola ana a tla kgathatsa neng.
Ke dibolayalehola dife tse ileng tsa sebediswa masimong ana nakong e fetileng le hore ke dijothollo dife tseo re batlang ho di jala nakong e tlang?
Na sebolayalehola se ngodisitswe ho ka laola lehola le itseng?
Na sebolayalehola se ngodisitswe ho ka sebediswa sejothollong se itseng?
Ke tshebediso efe e ngodisitsweng ya sebolayalehola se itseng ho laola lehola le itseng sejothollong se itseng?
Mohato wa kgolo ya lehola o bohlokwa - mahola a sa ntsaneng a le manyane a tshaba dibolayalehola haholo, ha sebaka sa lehlaku le sephara le semela se holang ka potlako se tla potlakisa tsamaiso le ho monngwa ha dibolayalehola tse tsamayang ka hara semela. Mahola a sa holeng hantle ka mabaka a kang kgatello ya mongobo a ke ke a angwa ke dibolayalehola hobane ho tsamaiswa ha sebolayalehola ka hara semela ho tla be ho sehetswe meedi.
Tlelaemete le yona e ama ho monngwa - pula e bang teng hang ka mora tshebediso ya sebolayalehola e ka nna ya hlatswa sebolayalehola mahlakung, mme ka hoo, ya fokotsa ho monngwa ha sona. Dibolayalehola tse itseng di sitwa ho tswakanngwa sefafatsing se le seng - di angwa ke tshebetso ya dikhemokhale tse etsang hore di fokollwe ke matla. Maemong a mang, ho tswakanngwa ho ba le matla ho feta tswakanyo feela e nahanwang. Mokgwa wa tshebetso hammoho le sesebediswa se loketseng ke taba ya bohlokwa ho nnetefatsa hore mahlaku le dikutu di fumana metsi a matle.
Metswako ena ke sehlopha sa dikhemikhale tse tshelwang motswakong wa sefafatsi ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebetso ya sebolayalehola. Hangata metswako ena e a kgothaletswa empa dikhemikhale tse ding di kenyeletsa metswako ya tsona - ho bohlokwa ho bala leibole le ho latela ditaelo tsa khemikhale e itseng. Metswako ena e sebetsa ka mekgwa e fapaneng - e meng e etsa hore sebolayalehola se kgomarele mahlakung, e meng e matlafatsa ho monngwa ha sebolayalehola, mme e meng yona e thibela diphetoho tsa dikhemikhale metswakong ha e meng yona e ama boholo ba marothodi.
Dikhemikhale tse sebediswang temong di reretswe ho bolaya dimela, dikokwanyana kapa diphoofolo, mme di tshwanetse ho sebediswa ka hloko e kgolo. Sebedisa setshireletsa mahlo (mask), diborele le dihansekune ka nako tsohle. Tlhokomelo e kgolo e boetse e tshwanela ho ba teng ha ho lahlwa ditshelo tse sebeditseng, tse se nang letho. Tjhefo e tshwanetse ho notlellwa ka nako tsohle.
Phapantsho ya dijothollo ke karolo ya bohlokwa ya taolo e kopanetsweng ya lehola. Ditatellano tse ngata tsa phapantsho ya dijothollo di sebediswa mabatoweng a koro ya mariha a Foreisetata Botjhabela. Koro-ebe ho a phetholwa ho sa jalwe letho; koro mariha-poone, koro mariha-soneblomo kapa dijothollo tsa mabele-ebe ho a phetholwa ho sa jalwe letho; koro mariha-poone-soneblomo, le koro ya nako tsohle mariha; ke tsona diphapantsho tse tlwaelehileng haholo.
Koro e nang le saekele e tshwanang le ya sejothollo e batla e eketseha moo ho sebediswang mokgwa wa kgale wa ho lema. Mahola a selemo a mariha, haholoholo majwang, a batla a atile haholo korong ya mariha. Mahola a selemo a lehlaku le sephara le ona a a eketseha empa a kgona ho laolwa ka dibolayalehola korong e holang ya mariha.
Ho kenya sejothollo sa sehla se futhumetseng jwalo ka poone, mabele kapa soneblomo phapantshong ya koro ya mariha-e latelwe ke ho phetholwa ha mobu ho sa jalwe letho, ho thusa ho kgaola saekele ya mahola ana a tshwenyang mariha a selemo. Sejothollo sefe kapa sefe sa lebatowa la sehla se futhumetseng se tla lekana, mme se tla thusa e le mokgwa o bohlokwa wa taolo ya lehola. Sejothollo sa sehla se phodileng sa selemo jwalo ka koro kapa outshe ha se matla hakaalo jwalo ka sa sehla se futhumetseng mabapi le ho roba saekele ya bophelo ya mahola a mariha a selemo.
Phapantsho ya koro ya mariha-poone-ho se jale masimo, ke kgetho e ntle haholo taolong ya mahola a mariha a selemo korong ya mariha le ho fana ka kuno e ntle. Phokotsehong ya nako ya pele koro e latelwa ke masimo a sa jalwang ka ho jala koro ya mariha hang feela ka mora sejothollo sa hlabula jwalo ka poone ya dijo tsa diphoofolo kapa dinawa tsa soya hangata ho qetella ka koro e emeng, e fokolang ka baka la kgaello ya metsi kapa ho jala ka mora nako e nepahetseng ya ho jala. Koro ya mariha ha e hlodisane ka matla, e leng se qetellang ka kgolo e eketsehileng ya lehola korong le kotulong e latelang.
Lebaka la bohlokwa la ho fapantsha dijothollo tsa mariha tsa selemo le tsa hlabula tsa selemo ke ho fedisa mohlodi wa lehola mobung. Ka lemo tse pedi kapa ho feta, pakeng tsa dijothollo tsa koro ya mariha, mehlodi ya peo ya lehola e theohela maemong ao mahola a holang a kgonang ho laolwa ha bonolo.
Taolo e hlwahlwa ya mahola nakong ya ho se jale (eco-fallow) le ya pele ho jalwa koro, e hlokolosi mabapi le paballo ya metsi, phediso tlhahisong ya peo ya mahola hammoho le ho ripitla dikokwanyana le malwetse. Nako ya ho se jale (eco-fallow) ke nako ya ho tloha kotulong ya koro ya mariha ho fihlela tshimolohong ya selemo kapa ho jalweng ha sejothollo sa sehla sa hlabula. Nako ya pele ho koro (pre-wheat fallow) ke nako ho tloha tshimolohong ya selemo kapa kotulong ya sejothollo sa nako ya selemo hlabula ho fihlela ha koro ya mariha e entse peo. Dibolayalehola, ho phetholwa ha mobu kapa ka bobedi, di ka nna tsa sebediswa taolong ya mahola nakong tsena. Dibolayalehola di tshwara masalla a mobung ho feta ho phetholwa ha mobu, e leng se thusang ho fokotsa kgoholeho ya mobu le ho eketsa ho tshwarwa ha metsi mobung. Ha eba ho phetholwa mobu, ho tshwanetse ho baballwa masalla mobung ka moo ho ka kgonahalang ka teng.
Koro ya boithaopo ke ya mofuta wa koro ya Rasheya, aphid le ya mite, e leng mofuta wa koro ya kgale ya kokwanahloko. Koro ena e tshwanetse ho laolwa nakong tsohle tsa ho tlohelwa ha mobu o sa jalwe letho (fallow periods), mme ho hlokolosi hore e fediswe ka hohlehohle bonyane nako ya beke pakeng tsa kotulo ya koro le nako ya koro ya ho etsa peo. Sena se bitswa "ho rojwa ha borokgo bo botala", mme se thibela ho fetisetswa ha dikokwanyana tsena ho tloha korong e nngwe ho ya ho e nngwe ka ho hlokisa dikokwanyana mohlodi wa dijo le monyetla wa ho phela.
Dithemphereitjhara tse phahameng nakong ya Tshitwe le Pherekgong hangata di baka kgatello korong ya boithaopo le maholeng, mme di fokotsa matla a dibolayalehola tse sebediswang hang ka mora kotulo ya koro. Ho tlatselletsa, mahola a lehlaku le sephara a se a kgaotswe dihlooho ke motjhine (combine), mme ho boima ho a laola ka dibolayalehola. Le hoja ho phethola mobu ho sebetsa hantle nakong ena ya selemo, ho tshwanetse ho simolla hang feela ka mora kotulo, ho seng jwalo mobu o ka nna wa omella, mme wa sitisa sebediswa se phetholang ho kenella.
Ha eba dibolayalehola di sa sebediswe nakong ya kgefutso ya mobu, simolla ho phethola pele mobu o omella haholo le ho ba thata hoo disebediswa jwale di sitwang ho kenella ka tshwanelo. Ha eba ho phetholwa ho ilo sebediswa, tshebetso ya pele e tshwanetse ho ba pele ho la 1 Pherekgong nakong ya pele ya kgefutso ya koro. Nakong ena, ho ka nna ha sebediswa mohoma o fielang, ekge ya diseki (tandem-disk harrow), diseki e sekameng (offset disk), mohoma wa tjhisele le/kapa dibolayalehola ho bolaya mahola pele a fokotsa metsi a mobung. Palo ya tshebetso tsa ho phethola di itshetlehile ka potlako ya ho hlaha ha mahola, mefuta ya mahola e hlahang, ho sekama ha mobu, bobebe ba kgoholeho le hore drill e ka sebetsana le bongata bo bokae ba masalla masimong. Mokgwa wa ho phethola ho fielang ha o laole mahola ha mobu o le metsi; ka baka leo, didiseki hangata di a sebediswa hangata, le hoja di senya masalla a mangata a dijothollo. Dibolayalehola re ka re ke mokgwa o molemo wa ho laola mahola ho feta wa ho phethola ha mobu o le metsi.
<fn>PulaImvula. Wheat.2007-12.st.txt</fn>
Ka ho bala lengolo lena la Pula-Imvula o tshwanetse ho ela hloko Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Nakong e fetileng, lenaneo lena le ne le tshehetswa ka ditjhelete haholoholo ke ba Maize Trust, mme ka baka lena, re ne re kgona ho hatisa le ho phatlalatsa diartikele tse amanang le indasteri ya poone.
Haufinyane mohlomong o ile wa lemoha hore re ile ra kenyeletsa diartikele mabapi le Dipeo tsa Oli makasineng - sena se bile ka baka la tshehetso ya tjhelete e neng e tswa ho Trusteng ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine. Jwale re motlotlo ho o tsebisa hore re kgonne ho fumana tshehetso e jwalo ho ba Truste ya Dijothollo tsa Mariha, mme ho tloha artikeleng ya kgwedi ena ya Tshitwe, re tla ba le tlatsetso ya kotara lengolong la rona le potolohang la Pula-Imvula le tla fupara diartikele mabapi le tlhahiso ya koro mabatoweng a pula tsa lehlabula.
Hajwale re tla hatisa feela tlatsetso ena ka puo ya Senyesemane le ya Sesotho, mme e tla kenyeletswa lenaneong la phatlalatso e tlwaelehileng ya Pula-Imvula la Foreisetata. Kopong e lebisitsweng ho ba Truste ya Dijothollo tsa Mariha, re kopile diprojeke tse ngatanyana ho thusa ho ntshetsa pele bahlahisi ba koro Botjhabela le Bohareng ba Foreisetata. Re tla be re jala diteko tse pedi tsa dipontsho - e nngwe Modderpoort, haufi le Ladybrand bakeng sa balemi ba lebatowa le ka Botjhabela hammoho le e nngwe Glen, haufi le Bloemfontein mabapi le balemi ba lebatowa le bohareng.
Sepheo ka diteko tsena e tla ba ho bontsha balemi tshebetso e ntle ka ho fetisisa - mekgwa e nepahetseng ya ho phethola mobu, o hlwahlwa mabapi le paballo ya mongobo nakong ya dikgwedi tsa hlabula, kgetho ya mofuta wa peo, palo ya dimela, manyolo le taolo ya mahola le tse tshwenyang (dikokwanyana). Matsatsi a mabedi a balemi a tla tshwarelwa hona ditekong tsa dipontsho - ke ntho e ntle ho utlwa ka dintho, empa ho di bona ke hona ho di utlwisisa ruri.
Le hoja ho le teng dingolwa tse ngata tse mabapi le tlhahiso ya koro dibakeng tsa dipula tsa lehlabula, re tla be re bokella bukanatataiso haholoholo bakeng sa balemi lebatoweng. Seo bukana ena e tla tsepamisa maikutlo ho sona haholo e tla ba mokgwa wa paballo ya mongobo - ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya koro lebatoweng la dipula tsa lehlabula. Bukanatataiso ena e tla boela e eba le dikgaolo mabapi le mobu, semela sa koro, ditlhoko tsa menontsha ya koro, mekgwa le maqheka a ho jala a tla kenyeletsa kgetho ya mofuta wa peo hammoho le palo ya dimela le matsatsi a ho jala, taolo ya mahola semeleng se ntseng se hola, taolo ya tse tshwenyang (diboko, jj.) taolo ya malwetse hammoho le kotulo, ho kereita (hlophisa) le mmaraka.
Ka mora hore thuto e phethwe, re tla be re hlahisa dithuto tse tharo tsa thupelo (mohlomong dithuto tsa boitjhoriso, re ka realo) - e nngwe bakeng sa diofisiri tsa katoloso le tse pedi tsa balemi. Dithuto tsena di tla nkwa nakong ya beke - nakong tsa hoseng ho tla shebanwa le karolo ya tsa kelello (theory), mme nakong tsa thapama e be dintlha tsa thupelo tse etswang ka matsoho (practical).
Hore balemi ba thuswe ho lekaneng, re tla be re theha dihlopha tse nne tsa boithuto Foreisetata, mme re tla sheba tshebedisanong e matla le balemi, le dikgwebo tsa temo (agribusinesses) hammoho le Setsha sa Dijothollo tse Nyane (Small Grain Institute) Bethlehem.
<fn>PulaImvula. Wheat1.2008-06.st.txt</fn>
Ho molemong wa molemi e mong le e mong hore tlhahisong ya koro a fumane phaello, mme molemi o tshwanetse ho etsa diqeto tse tla kgannela phaellong ya dithollo.
Boima bo le bong bo ikemetseng.
Koro e jalwa ka hwetla le tshimolohong ya mariha, ho tloha ka Mmesa kapa Motsheanong ho isa ho Phupjane kapa Phupu. Nakong ya dikgwedi tsa hlabula, mekgwa ya ho phethola ke e lekang ho baballa mongobo mobung ka ha ke pula e nyane haholo e ka lebellwang nakong ya mariha.
Boleng ba mobu (ka letsohong) bo bohlokwa haholo mabapi le mekgwa ya paballo ya mongobo e lokelang ho sebediswa, le ho nnetefatsa hore ke mongobo o mongata o baballwang ka moo ho kgonehang ka teng. Boteng ba matsopa ke ntho e batlang e le ngata haholo Foreisetata botjhabela ho ena le karolong tse ding tsa Foreisetata. Maemo a matle ka ho fetisisa a ho lema, ho jala, ho mela ha peo le tswelopele ya semela sa koro, di hlahiswa ke mekgwa ya ho phethola mobu, e sa thuseng feela ka tshingwana e ntle ya peo, empa le mobu o ka tlase, e leng o motle mabapi le ntshetsopele e atlehileng ya metso. Mefuta ya peo, nako ya ho jala, bophara ba mela, le kgonahalo ya kgoholeho e bakwang ke moya, haholoholo mebung e lenngweng ya mabatowa a Foreisetata bophirima, ke dintlha tse boetseng di ama kgetho ya mokgwa wa ho lema/phethola.
Koro ya mariha (koro eo hangata e jalwang ka hwetla kapa tshimolohong ya mariha, e leng mohato wa sehlooho wa dimela tse seng di hlahetse ka hodima mobu) e na le sehla se selelele sa ho hola ho feta koro ya selemo (e jalwang nakong ya selemo le ho hola dikgweding tsa pele tsa lehlabula), mme ka hoo, e na le kuno e phahameng, e ka fihlellwang.
Ha eba koro ya mariha e lengwa hamorao sehleng, nako e hlileng e leng teng ya 'photosynthesis' (ho emara ha semela) le pokello ya tse ommeng (tlhahiso mabapi le kuno ya morao ya dithollo), di a kgutsufala ke hona. Ka baka lena, mefuta e batlang e potlaka ho fihlela kgolo e phethahetseng, le matsatsi a morao a ho jala, ke ntlha tse batlang di hlahisa dimela tse mahlaku a manyane le dihlooho tse nyane, e leng tse kgannelang kunong e tlase.
Koro ya mariha e hloka nako e ka hlaloswang e le nako ya serame, ya ho hlaha ha mahaba kapa nako ya ho hola, mme e hlakile mabapi le mofuta ka mong wa peo e jalwang. Mefuta ya koro ya mariha e hloka nako e tjena ho etsa bonnete hore semela se kena mohatong wa boikatiso (reproductive phase) hamorao saekeleng ya ho hola.
Ho bohlokwa ho jala mofuta o nepahetseng wa peo, e leng kgetho e laolwang ke morero mabapi le matsatsi a ho jala, ho hola le ho kotula, ho ntse ho elwa hloko maemo a tlelaemete ho ya ka lebatowa leo o leng ho lona. Mefuta e fapaneng ya peo e tshaba motjheso, e leng wona o hlileng o hlokahalang kgolong e hlwahlwa.
Dikhamphane tsa dipeo, tse hlahisang mefuta e fapaneng ya dipeo ka dipaterone tsa kgolo ho ya ka maemo a fapaneng a tlelaemete le dibaka, di ka botswa dikeletso mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya lebatowa la hao. Ho hotle ka mehla ho ba teng 'matsatsing a molemi' hore o dule o kgema le mefuta e metjha ya dipeo e ntseng e hlahiswa. Le ha ho le jwalo, ho molemo ho kgema mmoho le mefuta e tsejwang, e nang le bopaki nakong tsa dilemo tse mpe tsa leqeme la pula le tsa pula tse ntle lebatoweng leo o lemang ho lona.
Ho jalwa ha diteko tsa kgwebo mabapi le mefuta ya moraorao ke se ka etswang e le teko ya boitekolo mabapi le maemo a ikgethileng a tlelaemete, a amang sebaka seo o leng ho sona. Ha eba o hloka mehlodi kapa ona masimo ho ka iketsetsa diteko, ho molemo hore o eme mofuteng wa peo o sebediswang sebakeng seo o leng ho sona. Kgetho e fosahetseng ya mofuta wa peo maemong a tlelaemete a lebatowa le itseng, e ka ba ditshenyehelo tse mpe haholo ha eba kuno e ka ba e fokolang haholo.
Mofuta wa tokiso ya tshingwana ya peo, ebang ke ka mora tshebediso ya mokgwa wa sejwalejwale wa ho lema kapa wa sekgalekgale wa ho phethola mobu, o tla laola mofuta wa plantere e sebediswang.
Peo e tshwanetse ho sunngwa ka ho tiya mobung o mongobo, eseng botebo bo fetang lehlakore le lelelele la lebokosana la mollo, mme e se sunngwe botebo bo bonyane ho feta bophara ba lehlakore la lebokosana leo.
Manyolo a tshwanetse ho ba ka tlasa peo, ka lehlakoreng.
Lekgapetla la mohoma le tshwanetse ho pshatlwa pele ho jalwa kapa nakong ya ho jala, mme plantereng ho sebediswe dithaene (tines) tse lokelang - dithaene di tshwanetse ho sothwa hanyane hore di fapohe tselana ya thaene e jalang peo, e le ho thibela hore peo e se ke ya qetella e jetswe hosele, botebong bo fetang bo rerilweng.
Mokgwa o motle wa ho jala, e ka ba wa seholoholo kapa wa sejwalejwale, ke tshebediso ya diski e setsweng morao ke thaene ya setabodi (ripper), e pshatjang lekgapetla le thata la mobu pakeng tsa diski tse bapileng, moo peo e jalwang teng ka nepo, botebong bo lekantsweng. Molemo wa ho pshatla mobu pakeng tsa didiski ke hore lekgapetla le a pshatlwa hore metso e tle e kenelle mobung. Tshingwana ya peo ha e tshwenngwe, ha e omelle, mme peo e kgona ho jalwa ka mokgwa oo e tla thetsana le mobu o mongobo, o tiileng.
Ntlha ya bohlokwa e tshwanetseng ho elwa hloko pele ho jalwa, ke kuno e lebelletsweng/habilweng.
Kgetho e nepahetseng ya mofuta wa peo.
Dipaterone tsa pula le ho noha maemo a lehodimo.
Hang ha kuno e phahameng e se e hlwailwe, sekgahla sa ho etsa peo se ka laolwa. Hang ha kgetho ya mofuta wa peo e se e entswe, dikgothaletso tsa khamphane ya dipeo di ka latelwa.
Koro e na le bokgoni bo makatsang haholo ba ho itshokolela moo dithusakuno tse ding di haellang teng, e leng tse hlokahalang mabapi le kgolo le tswelopele. Dimela di hlahisa dikutu tse ngata ho eketsa palo ya dimela kapa phokotseho ya dikutu moo palo ya dimela e phahameng haholo. Sena se fana ka monyetla o batsi mabapi le sekgahla sa ho etswa ha peo.
Masimo a tlohetsweng feela ke a temo, a fuweng nako e rerilweng ya ho phomola ka mora dijothollo tse fetileng, tse kang poone, e le hore a kgone mokgwa wa phapanyetsano ya dimela (crop rotation), ho bokella mongobo, ho laola mahola le dikokwanyana le ho ntlafatsa ho phetholwa ha mobu.
Kuno tse tlwaelehileng ka kakaretso di ka etsa 1, 4 ya ditone hekthare ka nngwe saekeleng ya koro kapa 2 ditone hekthare ka nngwe ka mora phomolo/tlohelo e feletseng ya masimo. Mofuta ona wa peo o bile le bokgoni ba ho ata haholo hammoho le ho amohela pula hamorao sehleng ka mora nako ya komello.
Bongata bo kgothaletswang mabapi le ho jala, ho hola ha mefuta e fapaneng ya mabastere a peo a jetsweng nakong tse fapaneng ho tloha ka hwetla ho ya fihla tshimolohong ya mariha. Mabapi le lebatowa la hao, tsena di ka fumanwa dikhamphaneng tsa tlhahiso ya peo hammoho le Small Grain Centre, e leng tse neanang ka peo e seng e ile ya lekwa, e sebediswang kgwebong, e keneng le mmarakeng. Hape kgothaletso ke hore o ikopanye le balemi ba mmakgonthe ba koro, baemedi ba balemi le ba ditshebeletso tsa katoloso tsa agribusiness mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya peo le ya sekgahla sa ho etsa peo, tseo o ka di sebedisang lebatoweng la bolemi ba hao.
Hopola hle, hore sekgahla sa ho etsa peo le matsatsi a ho jala, ke dintho tse tshwanetseng ho lokiswa ho ya ka mongobo o leng teng, boemo ba monono, manyolo, bokgoni ba mobu, le dipaterone tsa pula masimong a hao. Boiphihlelo ha nako e ntse e tsamaya bo o bontsha nako e ntle haholo ya sekgahla sa ho etsa peo ho ya ka mefuta e fapaneng ya peo se tla ema jwang masimong a hao. Sekgahla se tlase haholo sa ho etsa peo se tla kgina matla a kuno le ho fana ka monyetla phehisanong le mahola. E meng ya mefuta e metjha ya peo e bonahala e ena le phokotseho ya ho etsa dikutu, mme ka baka lena, e jalwa ho ka etsang 30 kg hekthare ka nngwe. Sekgahla se phahameng haholo ho hlahisa dimela tse fokolang, tseo hammoho di lwanelang mongobo o bolokilweng mobung, menontsha le sebaka seo semela se holelang ho sona, e leng seo qetellong se bakang metso e fokolang ya semela.
Hape ke taba ya bohlokwa ho sotha plantere ya hao ya koro mabapi le ho behwa ho nepahetseng ha peo hammoho le bongata kapa ho teteana ya yona. Hlahloba "setting" tsa plantere nakong eo e sa sebetseng ka yona sebakeng seo ho sona disebediswa di lokisetswang ho sona, ebe o metha peo le manyolo a sebediswang sebakeng sa masimo a methilweng ka nepo, sa hekthare kapa ho feta. Ha eba boholo ba sebaka se itseng se tsejwa, ekaba sa masimo a manyane, tekolo e nepahetseng ya sekgahla sa ho jala e ka etswa ka lebelo le tlwaelehileng la tshebetso ya terekere le plantere. Hangata "setting" tse etswang sesebediswa se eme, ha se atise ho tshwana le tse etswang nakong eo mosebetsi o etswang ka yona, ha ngwale e kgiba. Ho lema kapa ho jala sebaka se seholo, ekaba ka sekgahla se tlase haholo sa peo kapa manyolo, kapa se phahameng haholo, ho ka nna ha phahama haholo ka tjheleteng.
<fn>PulaImvula. Wheat2.2008-06.st.txt</fn>
Ho jalwa ha koro ho simollotse mafelong a Mmesa, mme ho bohlokwa hore balemi ba ele hloko dintlha tse fapaneng hore ba kgone ho etsa diqeto tse ntle tsa mmaraka.
Ke ntlha dife tse laolang ditheko tsa koro ya Afrika Borwa?
Afrika Borwa e romellwa koro e tswang ka ntle ho naha. Ka baka leo, ho bohlokwa ho hopola hore maemo a mmaraka tikolohong ya mmaraka wa matjhaba a laola theko ya koro Afrika Borwa.
Ho boloka koro ka sepheo sa ho e rekisa hamorao.
Hobaneng ha theko tsa koro di sa le ntle tjee hajwale?
Theiboleng e nyane e ka hodimo, ho a hlaka hore lefatshe le sebedisa koro e ngata ho feta e hlahiswang. Boemo bona bo botle baleming hobane bo bolela hore mmaraka o batla koro e phahamisang ditheko.
Ke ntlha dife tse laolang ha eba ditheko tsa koro ya lefatshe di tla theoha pele ho nako ya kotulo?
Ho ya ka tlhahisoleseding e teng, ditheko tsa koro ha di na lebaka la ho theoha haholo.
tebello ya sekgahla se matlanyana sa phapanyetso Afrika Borwa pele ho nako ya kotulo.
Keketseho tlhahisong ya koro dinaheng tse latelang.
Koro e hlahlamang ya mariha ya US le Canada e simollang mahareng a Phato ho fihlela mahareng a Pudungwana.
Koro e hlahlamang ya nako ya selemo ya US le Canada e simollang mahareng a Phato ho fihlela mahareng a Pudungwana.
Sehla sa tlhahiso ya koro Australia.
Sejothollo se setjha Yunioneng ya Yuropo.
Ho ya ka tse boletsweng, ho hlakile hore mohlahisi o tshwanetse ho ikopanya le baemedi ba mmaraka ho batlisisa ka kgatelopele tsa moraorao tjena, le hore di tla tshwaetsa ditheko tsa koro jwang pele ho le nakong ya kotulo.
Ho ya ka leihlo la matjhaba, maemo a mmaraka mabapi le 2007/2008 a lebelletswe ho ba a matle ka ho fetisisa a koro. Ho ya ka Setshwantsho sa 1, ho hlakile hore theko ya koro mabapi le konteraka ya Tshitwe ya Safex, e latela paterone e tshwanang le ditheko tsa koro ya USA Hard Red Winter.
Figure 1: Safex December 2008 contract and USA Hard Red Winter Wheat Prices (R/ton).
<fn>PulaImvula. WinterWheat.2009-03.st.txt</fn>
Ke selemo se seng hape, mme re motlotlo ha Truste ya Disirele tsa Mariha (Winter Cereals Trust) e dumetse ho thusa projeke ya rona ka tjhelete lemong sena sa bobedi. Ho bile teng balemi ba ntseng ba thuthuha ba ileng ba jala koro lemong se fetileng, empa jwalo ka ha o tseba, e bile lemo se sebe tlhahisong ya koro, mme kuno e bile mpe haholo. Temo e jwalo! Bomadimabe ke hore ditheko le tsona di ile tsa theoha haholo lemong sena, mme dijothollo tse nyane tse ileng tsa hlahiswa ha di a tla ka theko e ntle - tsietsi e nngwe eo molemi a ileng a kopana le yona.
Re nkile monghadi Jan de Villiers (nomoro ya thekeng ke 082 545 4741) wa Ficksburg ho thakgola projeke ya rona lemong sena. O tla sebetsa a ipapisitse le monghadi Johan Kriel ya tsebahalang haholo ho balemi Foreisetata, empa re tshwanetse ho dumella monghadi Kriel ho tsepamisa maikutlo projekeng ya Poone, ka ha mosebetsi o le mongata ho feta o ka etswang ke motho a le mong projekeng ena. Monghadi de Villiers o na le boiphihlelo ebile o tshebahala haholo e le mohlahisi ya hlwahlwa wa koro, ya sebeditseng le balemi ba thuthuhang ba nako e fetileng. O tseba Sesotho haholo, mme o thahasella ho ntshetsa pele balemi ba batjha. Re mo amohela sehlopheng sa rona, re bile re shebile diphehiso tsa hae indastering ena.
Ho ja nako, ho bile ho fupere ditshenyehelo ho sebetsana le balemi bohle ka bonngwe. Re qetile ka hore re tla tswela pele ka mokgwa wa ho fetisetsa ditaba kapa ditsebiso ka mokgwa wa dihlopha tsa boithuto. Re tla atolosa palo ya dihlopha tsa boithuto selemong sena ho tloha ho tsa pele tse nne tsa selemo sa 2008 ho ya ho tse robedi ka 2009, e le ho nolofaletsa balemi hore ba kgone ho ba teng dikopanong.
Reitz - e kenyeletsang Petrus Steyn.
Hopola hore ho tla bat eng kopano ya sehlopha ka seng sa boithuto kgwedi le kgwedi. Dikopano tsa sehlopha ka seng sa boithuto di tla tshwarelwa ditoropong tse fapaneng ho ya ka ho fapanyetsana hoo ho dumellanweng ka hona e le ho fa balemi bohle menyetla e lekanang ya ho ba teng ho tse ding tsa dikopano tse haufi le moo ba dulang teng. Tjhe, dibaka tse holenyana le tsona ba tla nne ba tshwanele ho ya ho tsona.
Re tla be re jala ditshingwana tse tharo tsa dipontsho (demonstration plots) e le hore re kgone ho bona mekgwa e metle kapa e mebe ya tlhahiso - hopola hore ha ho tsela e paroletsang mabapi le taba ya ho hlahisa dijothollo tse ntle tsa koro. O tshwanetse ho etsa tsohle hantle ho tiisa hore o fumana dijothollo tse ntle (ha eba re nka hore pula e tla ba ntle, ka ha ho fetola maemo a lehodimo ha se ntho e matleng a hao le ha o ka sebetsa ka thata ho le hokae!).
Re thaba haholo ho ba le nako radiong mabapi le ditaba tsa tlhahiso le tsa projeke. Mantsiboeng a Labone le leng le le leng, ho Lesedi Radio, lenaneong la Mphahlolle, ka nako ya 20:15 Johan Kriel o fana ka ditaba mabapi le tlhahiso ya poone le soneblomo. Re tla kgona ho fa Monghadi de Villiers nakonyana hang ka kgwedi ho bua ka koro - sheba dintlha tsa lenaneo ho Theibole 1, le kenyeleditsweng artikeleng ena e le hore o hopole ho mamela radio mabapi le ditaba tsena.
Hape re tla be re bile re hlahisa Dithuto tse tharo tsa Tlhahiso ya Koro - tse pedi e tla ba tsa balemi ha e le nngwe yona e tla bay a balaodi ba katoloso ba Lefapha la Temo. Thuto e tla nka beke, mme nako tsa hoseng e tla ba tsa ho rutwa ka tlhahiso. Motsheare wa mantsiboya ho tla kenwa ho tse hlileng di etswang ka matsoho dipontshong tsa polasi. Nakong e fetileng, Monghadi van Niekerk, mohwebi ho tsa temo lebatoweng la Ficksburg, o thusitse haholo hore tse etswang ka matsoho di tshwarelwe polasing ya hae - Ruri re mo leboha haholo, mme re ikemiseditse ho ba le dikamano tse mofuthu le balemi ba bahwebi. Kaofela re ka ithuta tse kgolo ho balemi ba bahwebi ba nnileng ba hlahisa koro ka dilemo tse ngata. Ha eba o na le thahasello ya ho bat eng dithutong tsena, ikopanye le Monghadi Jan de Villiers (nomoro ya thekeng 082 545 4741), mme o etse ditlhophiso le yena.
Re tla ba le matsatsi a mararo a Balemi lemong sena (matsatsi lenaneong la Theibole 1). Nakong ya matsatsi ana o tla kgona ho bona ditshingwana tsa dipontsho, mme o ithute dibuing tse tsebahalang - matsatsing ana ruri o ka ithuta tse ngata ho ba bangata ba keneng indastering ena.
Sepheo sa lenaneo lohle la rona ke "Ho ntshetsa pele balemi ba bahwebi ba filweng bokgoni". Re tla etsa sohle se matleng a rona ho o thusa, empa qetellong - o tlamehile ho nka mehato! Kgefutsong e nngwe le e nngwe ya leeto lena, o tshwanetse hore o nahanelle ka pele, le ho nka mehato yohle ho latela mekgwa e amohelehileng ya tlhahiso ka mokgwa o phethehileng - ha o se o entse tsohle ka matla a hao, jwalo ka molemi, o tshwanetse ho ba le tumelo, mme o dumele hore pula eo o e hlokang e tla tla, le bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng. Mahlohonolo a selemo, mme re tshepa hore e tla ba selemo se setle sa koro.
<fn>PulaImvula. Year.2007-12.st.txt</fn>
Photo: Ikopanye le sehlopha sa Bothaville sa lenaneo la ntshetsopele la Grain SA: Ho tloha ho le letshehadi ke Jane McPherson (Manejara wa lenaneo), Willie KotzÃ© (mohokahanyimmoho wa kwetliso le tlhahisoleseding), Debbie Nel (mothusi ofising), Jenny Mathews (botsamaisi ba phethahatso: Grain SA) hammoho le Nico Vermaak (manejara: Ditshebeletso tsa Kopanelo, Grain SA).
Re boetse re fihlile qetellong ya nako ya thuso ya ditjhelete le selemo sa ditjhelete mabapi le Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Mosebetsi ohle o entsweng selemong sena o bile ka baka la tshehetso e kgolo eo lenaneo lena le e fumaneng ho ba Maize Trust, mme ho a hlokahala ho hlahisa diteboho tsa rona hammoho le diteboho lebitsong la bohle ba unang molemo lenaneong lena.
Jwalo ka ha ho etsahala lefapheng lefe kapa lefe la ntshetsopele, kgatelopele ke e kgemang mmoho le motho, mme hangata e ka tadingwa e eya butle - batho ba bang ke ba utlwisisang kapele, ha ba bang bona ba nka nako e telele ho etsa diphetoho tse hlokahalang ho tswela pele ho tloha maemong a jwale ho ya ho a lakatswang ho fihlellwa.
Lenaneong la rona, re sebetsa ka thata ho tlosa balemi boemong ba bona ba jwale, bo fapanang ho tloha ho molemi ho ya ho e mong, ho ya boemong bo lakatswang ho tsa kgwebo, e leng ba molemi ya hwebang, ya ikemetseng le ya ka itjarang. Diprojeke tse fapaneng ka hara lenaneo lena, di reretswe ho arabela ditlhoko tse fapaneng tsa dihlotshwana tse fapaneng tsa balemi.
Lenaneo le sa ntse le tsamaiswa le etswa Bothaville. Popehong ya mokgatlo wa Grain SA, lenaneo le wela tlasa lefapha la Ditshebeletso tse Kopanetsweng le laolwang ke Monghadi Nico Vermaak.
Sehla sena se fetileng sa hlabula e bile se boima ka ho fetisisa ka baka la komello e matla e ileng ya hlasela karolo e kgolo ya lebatowa la dipula tsa hlabula - balemi ba bang ba ne ba sitwa ho lema ho hang, ba bang ba ile ba lema, empa ba hloka letho leo ba le kotulang, ha ba mmalwa feela ba ile ba ba le 'maemo a tlwaelehileng'. Maemong a mangata, balemi ba jala dijothollo ka tjhelete e adimilweng - e ka ba e tswang dibankeng kapa dikgwebong tsa agri-businesses (Co-ops yane ya kgale) - ka tlwaelo balemi ba seng bakae ba nka inshorense ya tse jalwang le ho sebediswa masimong hobane phaello tlhahisong ya dijothollo e le tlase hoo ba lekang ho theola ditjeho ka moo ho kgonehang ka teng.
Nakong ya sehla se kang sena, ho teng balemi ba bangata ba sitwang ho lefella ditjhelete tsa kadimo tsa tlhahiso ya bona, mme ka baka lena, ba sitwa ho sallwa ke tjhelete ya letho ya ho jala dijothollo tse hlahlamang. Ha motho a sebetsana le balemi ba ntseng ba tswela pele, bao hangata ba atisang ho hloka tjhelete, selemo se kang sehla sena se fetileng, ruri ke bothata bo boholo, bo ka sitisang ntshetsopele e lebisang kgwebong.
Lenaneo la rona le tswetseng pele la molemi le tswela pele hantle, mme re se re ile ra hlahisa Thuto ya rona ya pele ya agribusiness (Kgwebo temong) mabapi le sehlopha se hlwailweng sa balemi bana. Tlhahiso ya thuto ena hammoho le ho kenngwa tshebetsong ha mosebetsi o latelang thuto ena, e tadingwa ke lenaneo e le mohato wa ho qetela oo re o nkang le molemi re tadimme kgwebong. Thuto ena e kopanya tlhahisoleseding yohle e fumanwang dithutong tse ding, mme e tsepamisa maikutlo a molemi dikarolong tsa sehlooho tsa tshebetso tse tla mo fa bokgoni ba ho tsepamisa maikutlo tshebetsong e nngwe le e nngwe ya tlhahiso ka nako e nepahetseng hammoho le maemong a nepahetseng.
Lenaneo la rona la thupelo le se le ile la ba le selemo sa tshebetso e ngata - ke dithuto tse fetang 80 ho tloha tshimolohong ya Mphalane 2006 ho isa ho Loetse 2007. Dithuto di ntse di tswela pele ho ananelwa, dikarabo tse tswang ho balemi ke tse ntle, tse kgothatsang, mme ba dula ba kopa ho fuwa dithuto tse ding tsa tlatsetso. Re fana ka dithuto tsena ho tloha ka Hlakola ho isa ho Pudungwana selemo le selemo, mme ka nako tse ding balemi ba tshwarahane le mosebetsi haholo hoo ba hlokang nako ya ho ba teng dithutong tsena. Nakong ya dikgwedi tsena tsa hlabula, re tsepamisa maikutlo ditekong tsa pontsho, dikopano tsa dihlopha tsa boithuto, hammoho le tshehetso ho balemi ka bonngwe. Hape re boetse re bile le karabelo e ntle e tswang ho diofisiri tsa katoloso tsa mafapha a temo, mme re shebile pele moo re lebelletseng ho fihla ha nako ya ditjhelete, e leng eo ka yona re tla kgona ho ba thusa ka dithuto tse amanang le tshebetso ka matsoho - tshebediso ya teori (tseo ho ithutilweng tsona) masimong e batla e le bofokodi ba diofisi tsa rona tsa katoloso.
Re ntse re tswela pele ho hasa ditaba diteisheneng tse nne tsa radio, Lesedi, Motsweding, Ligwalagwala le Umhlobo Wenene - ona ke mokgwa o hlwahlwa haholo wa ho hokahana le balemi - eseng feela ho fetisa dintho ka mokgwa wa theknoloji, empa ho boela re tsebisa balemi ka mesebetsi ya lenaneo.
Pula-Imvula e ntse e tswela pele - e se e fetohile e nngwe ya diprojeke tse 'ratwang' haholo lenaneong, mme le ka mohla re dula re le motlotlo ka makasine ha o phethilwe. Ho teng batho ba bangata ba kenyang letsoho mosebetsing ohle - basebeletsi ba lenaneo, basebeletsi ba bang ba tswang ho GSA, basebeletsi ba tswang ho ARC-GCI ba Potchefstroom, bafetoledi bao ka mehla ba sebetsang tlasa kgatello ho qeta mosebetsi nakong e kgutshwanyane e beilweng, basebeletsi ba Infoworks (bahlophisi le baphatlalatsi), bahatisi le posang thepa e kgolo - sena se etswa kgwedi e nngwe le e nngwe! Pula-Imvula e amohelwa hantle haholo, mme le babadi ba yona ba dula ba eketseha - re hatisa dikopi tse fetang 16 500 ka kgwedi, mme lenane ha le emise ho eketseha.
Hape re sa boetse re leboha ba Maize Trust ka tshehetso e ntseng e tswela pele ya lenaneo.
<fn>PulaImvula. Year.2010-01.st.txt</fn>
Jwalo ka basebetsi ba Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA, re hlohonolofaditswe le ho ba le monyetla wa ho ba karolo ya seo re dumelang hore se tla etsa phapang mosebetsing wa ho tlisa phetoho Afrika Borwa. Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA le ikemiseditse ka hohle ho ntshetsa pele balemi ba batsho ba filweng monyetla wa ho hweba ka mokgwa o tshwarellang.
Indasteri ya dijothollo, haholoholo balemi, e shebane le phephetso tse kgolo nakong ena. Re shebane le kabobotjha ya naha le ho kgutlisetswa ha batho dintho tseo ba di amohilweng, mme re tlamehile ho hlodisana le ditheko tsa matjhaba mabapi le dijothollo. Re bothateng ka ditheko tse phahameng haholo, tse sa kgemeng le tsa matjhaba mabapi le tse sebediswang temong. Re dihwai mobung o ommeng, o bileng o angwang ke sekgahla sa motjheso wa lefatshe "global warming" mabapi le dipaterone tsa maemo a lehodimo. Ka kakaretso re ka re ha re haellwe ke diphephetso - empa re haellwa ke ditharollo!
Re tshwanetse ho tswela pele ho bala ditlhohonolofatso tsa rona lenaneong - re na le sehlopha se setle sa batho ruri. Re tshwanetse ho simolla ka ditho tsa Lekgotla la Phethahatso. Modulasetulo wa rona, Mofm. Jenny Mathews ke motho ya nang le bokgoni, ya inehetseng, ya tshehetsang. Re bile lehlohonolo lemong sena ho ba le Mong. Mr Schalk Viljoen wa Western Cape ka ho ikemisetsa ho re thusa sehlopheng sa rona sa tshebetso. O ne a kgethilwe jwalo ka motlatsi wa modulasetulo wa komiti. Re thabile ho ba le Schalk Viljoen le Andries Theron komiting, mme ka bobedi ba hlaha Cape. Re tshepa hore ba tlisa kutlwisiso e ntjha le leihlo le leng ntshetsopeleng ya molemi. Re na le batho ba bang ba tshepahalang, ba inehetseng Sehlopheng sa rona sa Tshebetso. Mong. Gert Pretorius wa Lichtenburg, Mong. Moss Malo wa Delareyville, Mong. Jabulani Zitha wa Nigel, Mong. SK Makinana wa Ugie le Mong. Papi Nkosi wa Hazyview.
Lemong sena re thabile haholo ha Mong. Karabo Peele e bile setho sa sehlopha sa tshebetso. O emetse ba Maize Trust, e leng bona ba sehlooho ba re thusang ka tjhelete. Re ile ra kgona ho kgodisa Mong. Dirk van Rensburg, eo e kileng ya ba setho sa tsamaiso ya phethahatso hore a nne a sale e le setho sa komiti ya tshebetso. Dirk ke molemi ya inehetseng le ya kgothetseng wa Arlington, mme re thabela mafolofolo a hae a ho re tshehetsa lenaneong lena la ntshetsopele.
Mabapi le basebetsi, re hodisitse projeke hore e fihle basebetsing ba nako tsohle ba 17 hammoho le ba bang ba 13 ba sebetsang ka konteraka. Tekanyetso ya lenaneo lohle e ka ba mane ho R14 million (selemo sa ditjhelete sa diprojeke tse fapaneng se fapana ho ya ka selemo sa ditjhelete sa Grain SA, e leng se etsang hore re mpe re atametse feela). Bothaville, re na le Jane McPherson (Manejara wa Lenaneo), Dr Willie KotzÃ© (Setsebi: Kwetliso le Ntshetsopele), Mong. Danie van Den Berg (Setsebi: Ditshebeletso tsa Dibaka tse nammeng), Benghadi Debbie Boshoff le Annemarie de Beer (ba tshehetsang tsamaiso).
Lemong sena se fetileng, re bile mohau haholo ho arohana le Mfm. Jacinta Motloang wa ofisi ya Ladybrand, ya ileng a amohela mosebetsi wa botitjhere Manyatseng le Mong. Piet Potgieter ya ileng a inehela ho ba VKB jwalo ka hloho ya lefapha la ntshetsopele ya molemi. Re thabile haholo ho iphumana re sebetsa mmoho le Piet Potgieter mosebetsing wa hae o motjha. Re itadima re le karolo ya sehlopha se seholwanyane sa ntshetsopele Afrika Borwa, mme re natefelwa ke ho sebetsa le batho bao mmoho re nang le ponelopele e le nngwe ya ntshetsopele.
Mong. Jan de Villiers wa Ficksburg, o dumetse ho tsamaisa projeke ya Winter Cereals Trust project Botjhabela bo Foreisetata. Jan ke motho ya tsebahalang haholo, molemi ya seng a beile meja fatshe, ya nang le boiphihlelo ba bophelo bohle bohwaing ba koro (hara tse ding), ya nang le pelo ya ho fetisetsa ho ba bang seo a se tsebang, e le hore balemi ba be le bokgoni. Mong. Arthur Clayton wa Sannieshof o tswetse pele ka boikarabelo ba Projeke ya Mabele.
Lenaneo lena lohle le tsheheditswe ka ditjhelete ke ba Grain Trust, Maize Trust, Winter Cereals Trust, ba Truste ya Dipeo tsa Ntshetsopele ya Oli le Protheine le ba Sorghum Trust. Diphehiso tsa ditrusete tsena ke tse kgolo haholo. Ntle le tsona ke ho honyane haholo ho ka beng ho etsahala lebatoweng la ntshetsopele ya balemi ba dijothollo. Hape, re hlahisa diteboho tsa rona tse hlokang boiketsiso mabapi le diphehiso tse kgolo hakana - re ba fa tiisetso ya boinehelo ba rona ntshetsopeleng ya balemi.
<fn>PulaImvula. Yellow(maize).2011-03-14.st.txt</fn>
Hobaneng dijothollo di ba tshehla nakong tsa mongobo?
Caption: Maemo a ho kgangwa ke metsi a ama kgolo ya dimela tse ngata.
Setsebi sa Monyesemane, H.G. Willis, se kile sa bolela hore nalane ya batho ke peiso pakeng tsa ho ithuta le kotsi. Ho balemi mabatoweng a pula tsa lehlabula Afrika Borwa, haholoholo ba leng dibakeng tse batlang di omme, peiso ena ke nnete ya letsatsi le letsatsi.
Mekgwa ya tlhahiso ya dijothollo mabatoweng a batlang a omme e thusa ho thibela tshoso e dulang e le teng ka mehla, e leng komello. Re etsa sena ka ho laola methamo ya dimela, ka ho phahamisa ho kenngwa ha manyolo ho ya ka kuno tsa nako e telele, mekgwa ya ho lema e baballang metsi haholoholo ho eketsa ho monyela ha ona, ka ho sebedisa ka bokgabane matsatsi a ho jala le ho kgetha mefuta ya dipeo e sa tshabeng komello, jwalojwalo. Mefuta ena ya dipeo e wela sehlopheng se akaretsang sa dimela tse hlokang mongobo o lekaneng (mesophytes), e leng sa dimela tse holang hantle mebung e mongobo, e fihlellwang ke moya. Metso ya dimela tsena e kgona ho iphumanela metsi le menontsha, mohlala, metso ya poone e ka phunyelletsa mobu ka sekgahla sa 24 mm ka letsatsi, mme ya fihlella botebo ba 2 ho isa ho 4 m, ho ya ka mofuta wa mobu.
Tswelopele ya metso e ka fokotswa kapa ya kginwa ke pula e fetang tekano jwalo ka ha ho etsahetse sehleng sena, moo dijothollo di ileng tsa jalwa ka Tshitwe le ka Pherekgong. Pula e fetang tekano mebung eo ho thopothela ha metsi ho fokolang, ho qetella ka ho bokella metsi a mangata hoo moya o leng mobung o qetellang o le siyo. Tshebetso ya pele ya bohlokwa e tla angwa hampe ke ho hema ha metso; Dimela di hloka phepelo e itseng ya moya wa okesijene e yang metsong. Bafuputsi ka diteko ba bolela hore tlasa maemo ao ho hang mobu o sa fumaneng okesijene, ho hola ha metso ho ka kginwa ka metsotso feela. Le ha ho le jwalo, dimela di a fapana ka mamello ya maemo a ho kgangwa ke metsi. Mohlala, reisi e kgona ho mamella maemo a bosiyo ba okesijene mobung. Le ha ho le jwalo, mofuta ona wa semela o a shwa mobung o nang le moya o lekaneng. Metso ya dimela tse tshabanang haholo le maemo ana a ho hloka okesijene, jwalo ka mofuta wa monawa o kang dinawa tse ommeng, dinawa tsa soya, jwalojwalo, e a shwa ka mora matsatsi a seng makae a ho kgangwa ke metsi. Matshwao a pele a tshenyo e bakwang ke ho kgangwa ke metsi a ka nna a bonahala ka mora hora ho isa ho tse pedi, mme tshenyo e ke keng ya lokiswa ho hang e ka iponahatsa ka mora dihora tse 24 haholoholo matsatsing a futhumetseng, ao letsatsi le tjhabileng ka ona.
Ha ho hema ha metsi ho sitiseha, mesebetsi e meng ya bohlokwa ya semela, e kang kgolo, ho monngwa ha metsi le menontsha, le yona e a ameha. Le ha metsi a ka ba mangata haholo, bothata ke hore dimela di tla sitwa ho monya metsi le menontsha. Ho itshetlehilwe ka mohato wa ho hola, matshwao a mang a semela a itotobatsa. Mohlala, ho hema ha semela ho a fokotseha nakong ya mohato wa ho hlahisa makgaba. Sena se etsahala pooneng, mme ho monngwa ha metsi le hona ho fokotseha jwalo feela, e leng se tla ama ho monngwa ha menontsha. Letshwao le lemohuwang hangata ha bonolo ke ho sehlefala (chlorosis) ha mahlaku ka baka la ho fokotseha ha chlorophyll. Hona ho bakwa haholoholo ke bosiyo ba nitrojene semeleng, le hoja phosphorus le potassium le menontsha e meng di ka nna tsa ba siyo. Mohatong ona, semela se tla nka nitrojene mahlakung a tsofetseng, mme se e fetisetse ho a matjha hore kgolo e nne e tswele pele. Ho kgangwa ke metsi ha dinako tsohle qetellong ho tla kgannela kgolong ya kutu le tahlehelong ya kuno.
<fn>Random.9780636072541T.KBT.WP.txt</fn>
MODISE: (Ka bohale.) Mmathabang, o a e bona jwale ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ka enwa Thabang?
SEBOLELO: Tjhe, ha re di etse mohatla kgwiti hanyane tseo, mme, re tla tswela pele hape ka tsona hosane ha ke hlaha mosebetsing. O se o tla jwetsa ntate tsohle ha a fihla he, hoba ke eo ha esale a ile toropong.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ntate, ke lokela ho potlaka etswe nako ha e ntumelle hohang hore ke be ke ntse ke le mona. Ho fetafeta moo ke a tseba hore le ntse le sa thabela boteng ba rona lapeng mona, ke ka hoo ke batlang ho sebetsa ditaba ka sekgukgu tjena, hoba lona le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube maikutlo.
SEBOLELO:(O beha dithoto fatshe.) Shuu! Ha ke a kgathala le kgale! E re ke ilo beha dithoto tsena ka kamoreng ke ntano robatsa ngwana enwa, etswe le boroko bo se bo iphile matla ho yena mona.
PALESA: Ho bolela hore e se e le ha o itshola?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Mohatisi enwa ekare o tla tena jwale, hoba o etsa diphoso le moo ho seng ho sa hlokehe teng. Ka mehla ha o re o a bua feela; phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi. Ha a ilo wela matjoing kwana mohatisinyana eo wa lona wa masawana!
MOLEFI:E hate ka maro ka mabaka afe Ke batla ho bua hore ke tshwele mahlwele ohle a imetseng pelo ena ya ka, mme ke tla thola ha feela o ka wa mpha qeto ya moshwelella hore na re tswela pele mmoho ka kgwebo ena kapa tjhe?
MABOKELLE: Butle, moradi, ka ho lla tjena. O re tsosetsa maqeba a seng a fodile jwale. Nna le mmao re se re o bolelletse hore re ke ke ra o qhalla matsoho le kgale, feela re tla wa re be re tsohe le wena.
THABANG: Ke imametse hantle hore ke ntse ke reng. Ha ke re hona jwale wena le Sebolelo le bolela hore ha le sa mpatla, mme nna ke bona ho hlokeha hore le mpheng tseo e leng tsa ka, hoba ha le batle ho utlwisisa ha ke le bolella hore ke a le rata. Le bona le le bohlale ho mpheta.
THABANG: Tjhe, ha ho molato ha e le mona o hlalosa ka botlalo le wena hore o swabile nko ho feta molomo ka se etsahetseng maobane, mme le nna ke o leballetse, etswe ke a tseba hore phoso e tsamaya le mohatisi.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Mabaka a mofuta nngwe na O dula o ntse o fihla ka morao ho nako ka mehla, mme ho powaneng hore ha o hlajwe ke dihlong ke manyampetla ana ao o a etsang. Ntho e nngwe le e nngwe o e etsa ka sebete, o sa natse le ho natsa hore mang o tla reng ho wena?
THABANG: Butle bo! weso, ka ho ja dipekere tjena...
THABANG: Kgoba matshwafo hle, Palesa, ha ke a tlela taba tseo kwano.
MMASEBOLELO: Tjhe, nna, ngwanaka, leha e le hore ha ke nwesane metsi le yena, empa ha ke o kgothalletse hore o nkuwe ke maikutlo ka pele tjena, hoba ke mona o hlalosa hantle hore o sa ntse o mo rata. Nahana pele ka bokamoso ba Pontsho, mme e be hona o ka itahlelang lemeneng la ditau.
THABANG: Ho lokile he, ntate. Ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale, ntho e nngwe to ka monwana eo nka ka ka e thabelang! E leng ya hore ba ntokollele moradi wa ka, Pontsho.
SEBOLELO: Ka nnete, Dikeledi, nna ke a ipotsa hore hobaneng ha pelo ya ka yona e dula e sa thaba tjena, empa tsa ba bang tsona di lokolohile, di bile di thabile. Nna ka mehla ke dula ke futswela bohobe ka menyepetsi feela.
MODISE: Le nna ho feela ho le jwalo, mofumahadi. Feela ntho e ntenneng ka ho fetisisa le jwale ke ena ya hore o nqobelle ho ya kopela Thabang tshwarelo bohweng ba hae, mme ka morao ho moo ebe ho sala ho dubehile. Ho etsa jwalo e ne ekare re tshehetsa Thabang mererong ena ya hae e ditshila. Le jwale ke entse phoso bo! hore ebe ke ile ka kopela moleko o kang ona tshwarelo.
THABANG: Ekare taba ena e tla leba hole jwale, mosadi. Ho ka ba molemo haholo ha re ka hla ra e kgina hona mona pele e nka mothinya osele.
DIKELEDI: Ho ya ka tlaleho eo ke e amohetseng eka o hlabilwe ke ngwanana elwa wa mooki tliliking yane e ka Marantha.
PALESA: Nna ke bona ho le molemo ha o ka wa e noha, etswe e re ama ka bobedi ka ho otloloha.
MABOKELLE:O bolela jwang na ha o rialo, moradi Na ha o shebile re ka o hodisa wa ba mosadi e mokana e be e le hona re o lahlang?
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore ke qale kae ha ho le tjena, ngwaneso.
SEBOLELO: Ha ho a senyeha letho, empa pelo ya ka ha e a kgotsosofala, ngwaneso.
DIKELEDI: Jwale wena hobaneng o sa latele dikeletso tsa hae?
MABOKELLE: Ditaba dife na jwale, mosadi?
MOLEFI:O ipala meno feela ho nna mona ha eba o nahana hore ke tla kwalwa molomo ke puonyana tsena tsa hao tse hlokang motheo.
THABANG:(O a kena.) Hao Sebolelo! Wa tlohella monyako o sa notlelwa ho fihlela ka nako ee molato keng na, mosadi?
MMASEBOLELO: Atjhe, ntate, o a tseba taba ena e tshopodi e le ka nnete, mme le nna ke le tjena ke ne ke batla ke le kgwaonyana ho dumela seo Sebolelo a mpolelletseng sona, feela qetellong ke ile ka ba ka mo kgolwa, hoba ke a tseba hore ba bokgotsing ba rona ke difelekwane kaofela ha bona.
MMASEBOLELO: Hohang ekare o leleme monna enwa ha ke mo sheba tjena. Ba mpa feela ba re etsetsa lonya hore re se ke ra bona Sebolelo.
Pono ya 5 Ke lapeng ha Modise. Thabang o mmoho le batswadi ba hae.
THABANG: Ka bokgutshwanyane e mabapi le ngwana.
MMASEBOLELO: Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, ngwanaka. Hohang ha ke tsebe hore nka sebedisa mantswe afe ho hlalosa tshwabo ena e imetseng maikutlo a ka.
MMATHABANG: Ntate, ke eng ekare o tshwara ngwana ka pelo jwale?
PALESA: Taba ya pele, Thabang ke yena ya mpherehileng, a bolela ka moo a nthatang ka teng, mme ho ne ho se ka moo ke neng ke tla mo phoqa ka teng.
SEBOLELO: Ee, ke tiisitse le jwale, Dikeledi.
MODISE: Ho lokile, mora, nna ke a o tshwarela, etswe ho o tshwara ka pelo ho ke ke ha ntswela kgomo ka letho. Feela leha ho le jwalo o dule o tseba moo o emeng teng, hoba ha o sa itlhokomele o tla iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng.
DIKELEDI: Bua, mmannyeo, seso se monate ha se ngwauwa ke monga sona.
DIKELEDI: Nna jwale ke batla ke hlasetswe ke mokgathala oo ke sa tsebeng hore o tswa kae, feela o ke ke wa ntshitisa ka letho, batswadi ba ka. Ke tla leta le lona ho fihlella dingaka di be di qeta ka Sebolelo.
DIKELEDI: Bo ntse bo eya jwang bophelo ka moo, Sebolelo?
MMASEBOLELO:(Le yena matshwafo a phahame.) Bua hle, ngaka. O re ho etsahalang hantlentle?
PALESA: Basadi! Tjhe, ka nnete ho robala ke ho fetoha ha eba motho o hlanohetswe, o hlanohetswe le ke boThabang. (O a ema.) Feela leha ho le jwalo ke menahana le mehlala ha ke etsa tjena, empa o se ke wa ya le kgongwana hodimo hore ke qetile ka wena. Ke re re tla teana riteng sa moseeka, mme ho tla nkga ho sa bola mohla monene. (O a tswa.
MOLEFI: Monna, hantlentle o ikemiseditse eng bophelong ha o dulellane le ho fihla mosebetsing ka mora nako tjee Ho totobetse jwale hore o se o jele tlwae, hoba ha se kgetlo la pele o e etsa ketso ya mofuta o kang ona. (O sheba tshupanako.) Bona hona jwale ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo tsa tshebetso, empa ke hona o fihlang. Ke a bona o batla ho etsa eka ke kgwebo ya hao o le mong ena ho ya ka moo o seng o batla ho itaela ka teng. Ha eba ha o sa batla ho sebetsa, o bue feela, o tlohelle ho tjha ntshi tjena?
THABANG: Ha ke re ke ka hoo ke reng o nteballe ditshito tsa ka, etswe ke a lemoha hore o utlwile bohloko e le ka nnete ka se etsahetseng bosiung bo fetileng.
SEBOLELO: Ha ho molato, mohlomong ke mpa feela ke bolawa ke mokgathalanyana ona o sa reng letho.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong le yena.) Le nna ke a o rata, aubuti Thabang.
Pono ya 3 Sekolong sa Rehauhetswe. Dikeledi o mmoho le Sebolelo.
MODISE: Ke se ke kopile tshwarelo hle, mohatsaka.
MMATHABANG:O a tseba ke ne ke sa lebella hore tsena tsohle di ne di ka etsahala, ntate.
PALESA: Ha ke kgolwe hore o teng motho ya neng a ka tlohella lehlohonolo le mo feta a ntse a bona. O tsebe hore rona basadi re batho ba ratang ho tshwarwa jwalo ka dikgalase, mme ka mehla re batla mofuthu wa lerato moo o leng teng. Ke ka hoo ke sa kang ka qeaqea ho o amohela ka diatla tse mofuthu ha o ne o mpolella hore o tjha mpa le seatla ke nna. Le leng la mabaka ke hobane ke phetse nako e telele ke le mong, ke se na molekane.
SEBOLELO: Se tshwenyehe, mme, ke moholo ha ke le mokaana ke tla itlhokomela.
MOLEFI: Ke a utlwa hore e kgotjwa e le maoto mane, empa jwale ako mpolelle hore wena ntlhakemo ya hao ke efe jwale mabapi le taba ena?
SEBOLELO: Ke tswa lekoteng lefe athe ke wena ya buang le nna ka medumo jwalo ka ha eka tsebe tsena tsa ka ha di utlwe.
THABANG: Ho lokile, ke a tsamaya, empa o dule o tseba hore ha ke sa na taba le wena le bohloohothata bona ba hao. Ha jwale ke ipatlela ngwana wa ka feela. Ee, ke nnete hore sethatong ke ne ke batla ho itatola, empa ha jwale ke se ke fetotse mehopolo. Sena seo ke o jwetsang sona ha jwale ha se papadi kapa bona boswaswi, empa ke nnete ena e tswileng matsoho.
SEBOLELO: Le nna ke bona ekare ntaramane ena e ntseng e ntshwenya ke yona e hlileng e ntlhokisang phomolo moyeng tjena, mme ke ne ke ntse ke lohotha ho ya bona ngaka ha sekolo se etswa.
SEBOLELO: (O batla ho lla) O nkutlwisa bohloko ha o bua jwalo hle, Dikeledi.
SEBOLELO: Ha ho na matshwafo a letho ao ke tla a kgoba mona, aubuti Thabang. Ke tseba hantle hore o leka ho ntheka ka leleme le mona la hao le borethe ha o etsa tjena, empa he ke a o hlapanyetsa hore o ke ke wa atleha kgetlong lena le kgale. Morao teng ha se moo nna moradia Mabokelle ke yang teng.
THABANG: Ho feela ho le jwalo, weso, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao hore ho sebetswa jwang ha ho le tjena. Ka nnete ha ke tsebe hore ke nke eng ke e kopanye le eng.
Lapeng ha Thabang. Ke bosiu, mme Sebolelo o dutse a le mong, a bile a ngongorehile.
MMATHABANG: E-e bo! ntate, se ka ntshosa hle.
SEBOLELO: Na ke hona ho boulela ka bokamoso ba ka ha o nkgothaletsa hore ke kgutlele ho sera sa ka se seholo Hona na o se o lebetse mantswe a Sesotho a reng leboela le a ja?
SEBOLELO: Ha eka o sa ntso tswela pele ka ho nthohaka tjee?
SEBOLELO: Na aubuti Thabang o ile a di hlompha dikano ha a tla etsa manyala a tjee?
SEBOLELO: Ke ntho ya mofuta nngwe na eo?
MMASEBOLELO: Tjhe, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete. (O sisinya hlooho.) Na ebe o bua tsona na, mosadi?
PALESA: Ha ho le jwalo, aubuti Thabang, tharollo e nngwe feela bothateng bona, mme ke yona qha! e ka etsang hore nna le wena re phele ka kgotso ho isa lefung. (O kgutsa motsotswana.) Ke kgale ke thuisa taba ena, mme jwale ke entse qeto ya hore ke ntshe se imetseng pelo ya ka, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing.
MMASEBOLELO: (O se kgitla le ho feta.) Empa, ntate, na o a elellwa hore re tlile ho tla shebahala jwalo ka batswadi ba se nang molemo, hoba hoja e ne e se ka rona, Sebolelo a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ee.
THABANG: Ke tena ke bua tjena ka lebaka la bophoqo bona ba hao ba hore o nke diqeto o sa ntsebisa le ho ntsebisa jwalo ka ha eka ke wena poho ya lapa lena.
PALESA:(O mo kena hanong.) Le jwale ke tiisitse, aubuti Thabang. Ke boetse morao, mme hono ho netefaditswe ke ngaka hape.
SEBOLELO: Hona jwale le hlolwa ke eng hore le ntshehetse ha e le moo le nkemelletse ka hore ke kgutlele bohading. Nna ke ntse ke le bona hore le se le fiela ka dintshi fatshe ha le mpona.
THABANG: Ha se kgale hakaalo nna le wena re utlwana. E se e le ho ka etsang kgwedi tse tharo kapa ho feta, empa ke mona o se o tletleba ka hore ke o robile lengole.
PALESA: Na o tletse hona ho tla nthohaka, mosadi towe?
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ka bokgutshwanyane feela ke kopa hore o ntshwarele ha e le mona ekare o dula o hlomohile ka lebaka la ka, mme le jwale ke a itshola, moratuwa, ka sena seo ke se entseng. Ke kopa hore o se ke wa nkuka ka moya hle, Sebolelo wa ka, mme ke a tseba hore ho ke ke ha eba bonolo ho wena hore o amohele taba tsena, hoba ke tse sa jeseng ditheohelang e le ka nnete.
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hee ke re o nkgitlile dibete bo monna towe!. Ha ke sa batla teye kapa nama ho tswa ho wena hape. O mpontshitse ha e le kajeno lena hore ha o nthate, o mpa o nkentse se sebediswa sa hao feela, hoba ke mona o ile wa ba wa qetella o se o kopanetse dikobo le mosadi e mong empa ke ntse ke le teng le nna. Ke bolela le Pontsho le ha a le monyenyane tjena, o a lemoha hore ho hang ho tu! ntatae ha a na boikarabelo. Hona ha o mpolella kedibitlahadi e kaana ya taba o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang?
MABOKELLE: Tjhe, ha ho molato, moholo wa ka, o ka ikela.
SEBOLELO: Ha ke na taba le hore batho ba tla reng, hoba ke tla be ke etsa se tla beng se kgotsofatsa pelo ya ka.
MOLEFI: Ha ho na tharollo e nngwe eo nka o nehang yona ka ntle ho eo, monna. Ha e le ho ya pele teng o se o tla bona ka ho feta hore o tswa jwang, etswe ha esale o ila dikeletso tsa ka sekgethe ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana.
MMASEBOLELO: Tjhe, ka nnete o ntlhotse le hoja re sa lwana ha e le kajeno lena, ngwanaka! Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle tseo o sa tswa nkumela tsona ka enwa monnao. Ke a ipotsa hore ntatao ha a fihla mona yena o tlilo reng ha a utlwa mahlabisadihlong ana kaofela. Empa leha ho le jwalo ke kgale ke ntse ke mmona moshemane enwa hore ha a di hadikela ho di ja mokgwa hae yaba taba ya ka e qhelelwa thoko. (O kgutsa motsotswana.) Hona batswadi ba hae ba a e tseba taba ee na?
SEBOLELO: Le jwale ke bua nnete hore nna maikutlo a ka ha ho na motho ya a a nkellang hloohong. E mong le e mong o bolela hore nna Sebolelo ke etsa diqeto tse fosahetseng.
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama hape.) Ako tlohelle ho ahlamisa molomo tjena ha ke bua le wena.
Pono ya 2 Thabang o fihla ha Palesa e sa le ka matjeke.
MMASEBOLELO: Ntatao o sa ntse a itse kgalo ka mona ka toropong mme o tla tloha a fihla neng kapa neng, etswe ke kgale a ile jwale. (O kukisa Sebolelo dithoto.) E re re behe dithoto tsena tsa hao ka kamoreng yane, re ntano hlaba kgobe ka lemao hore o tle o ntjwetse hore ho nkang sebaka ke eng ha o le mona ka nako ena, empa o le mosadi wa lelapa. (Ba fetela ka phaposing e nngwe mme ba beha diphahlo.
MABOKELLE:O a utlwa he, mofumahadi, hore Ngaka o se a hlalositse ho feta ka moo ke neng ke tla hlalosa ka teng. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iphumola dikeledi, mme o behe pelo sekotlolong ho fihlela dingaka di be di phethile mesebetsi ya tsona.
MMATHABANG: Sebolelo o entseng na jwale ha o itshela ka dikgapha tjee, Thabang?
SEBOLELO: Aubuti Thabang, nna jwale ho fihla moo ke kgitlehang dibete ke boitshwaronyana bona ba hao. Ebile ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ho ba monyebe hona ha hao ha o lokela ho rarolla mathata a lapa lena. Ntho e dumadumang kelellong ena ya hao ke ho kgaqakaka majwala feela o sa natse taba tsa lapa la hao ka letho.
SEBOLELO: Feela leha ho le jwalo, mme, o hopole hore batho ha re lekane re se meno. Ke ka hoo ke reng mohlahlami wa ntate Makgwathi o tla lokela ho tiisa meqheleba ha e le hore o batla ho beha Rehauhetswe mmapeng, etswe setulo sa bosuwehlooho ke se tjhesang ka ho fetisisa sekolong, mme se batla dikakapa e le nnete.
MODISE: Ke mo tshwara ka pelo jwang na, mosadi, ha eka o tla ntlela ka meleko tjee le wena?
MODISE: Ke o thuse jwang athe ke wena ya ikentseng hara mathata Nna mohla monene ha re ne re ilo o nyalla ke hopola hantle ha ke ne ke o laya hore o hlomphe mosadi wa hao, mme o etse bonnete ba hore o dula a thabile ka dinako tsohle. Jwale ke mona ha o a ka wa phethisa ka moo ke neng ke o laetse ka teng, mme ha ho le hobe o batla ke ikakgele ka setotswana hape. Tjhe, oo mohlolo ha se o ka etswang ke nna Modise?
SEBOLELO: Ee, ba a tseba le bona, mme. Ke se ke ile ka ba hlaba malotsana, mme le bona ba swabile nko ho feta molomo ke boitshwaro bona bo hlephileng ba aubuti Thabang.
PALESA: Hao aubuti Thabang! Na o ka ba wa touta ka nna le mosebetsing hodima moo lebenkeleng ho phethesela hakana Tjhe, ka nnete o sebete sa ho beha tau setswetse ke o jwetse?
SEBOLELO: Ke ne ke tla notlela jwang empa o eso fihle le ho fihla, aubuti Thabang Mehleng o hlola o bolela hore re tlohele ho o notlella ka ntle pele o fihla, le teng ha ke sa notlela o sa ntse o lwana hape. E le hore o motho ya thabelang eng hantlentle, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Mme, ke kopa hore taba eno re tle re e tshohle ha morao etswe ha jwale ke sa ntse ke batla ho iphomolela hanyane feela pele nka ka bua eng kapa eng le mang kapa mang.
MOLEFI: Ke o fe tharollo ya bothata bofe bona boo o sa kgoneng ho bo hlalosa ha o ntse o haketse hore o na le bothata le Palesa Ebile ha ke kgolwe hore tharollo ya ka e ka hlokeha mathateng a hao le Palesa ka ha le ho tloha qalong ke ne ke ntse ke eme kgahlanong le taba ena. Ka nnete leha ho ka ha thwe tsoho la monna ke mokolla, empa ha e le kgetlong lena teng ke se ke itse setsweng ke hole bo?
PALESA: Pele re ka ra tshohla eng kapa eng, aubuti Thabang, ke kopa hore o e lale ka mmele taba yane ya maobane. Ke a tseba hore o tlohile lapeng mane maikutlo a hao a lwantshana, ke maswabi haholo ka seo. Ke lemohile ha morao ka moo ke bileng sethoto ka teng ka ho o tjodietsa ka ntho tsa lefatshe lena kaofela, mme ke ikwahlanyela seo haholo feela e seng hanyane.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na taba eo ke tla e tshohlang le wena mona. Ha ebe e teng taba e lokelwang ho tshohlwa, ke dumela hore o lokela ho e tshohla le Palesa Lebajwa, etswe ke yena sethibamathe sa hao. Ha e le nna Sebolelo ke hlolehile ho hloleha ke wena le mekgwanyana ena ya hao e ditshila.
SEBOLELO: Le jwale le nqhalla matsoho, ntate. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng le batla hore ke kgutlele bohading empa le tseba lebaka le entseng hore ke ngale moo. Ho bolela hore le lona le thabetse boitshwaro bona ba aubuti Thabang?
MOLEFI: Tjhe kgetlong lena o feela o tswile lekoteng e le ka nnete, monna Thabang. Sethatong o ne o ipoledisa ka moo o seng o le lehlohonolo jwalo ka tshitshidi ka teng, le hore ha o kgolwe hore ho sa ntse ho le teng motho ya ka o besang o tuke ho wena mona. Empa jwale o a mmakatsa ha o se o bolela hore ntho ena e o thabisitseng tjena ke pinyane, ha e a lokelwa ho tsejwa ke batho. E le hore hona o tla ipipetsa pelo ka yona ho fihlela neng hoba ke mona le wena o ne o sa tswa bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo yang teng?
PALESA: Ha eka o batla ho nqosa jwalo ka ha eka ke nna ya o qobelletseng hore re qale dikamano tsena tsa marato. O ile wa bolela ka moo o nthatang ka teng, o ntshepisa hona le hwane, feela kajeno o se o mphara ka melato eo ke sa e tsebeng le ho e tseba. Le teng ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o haketse ka hore lenyalo la hao le a reketla, empa o ne o bolela ka moo o nthatang ka teng, le hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ke ile ka ba ka o kopa hore o hlale Sebolelo, hono ho ka bebofatsa mathata ana ao re leng ho ona, empa le teng o ile wa ema ka lerapo thabeng. Le jwale ke se ke utlwa le dipuo tsa hao hore o loha maano a ho kena pooneng. Hommeng he nke ke ka o dumella ho etsa jwalo, etswe lena ke lesea la hao. O tla jara boikarabelo bona ho fihlela o be o honyetsa hlooho ya hao mobung o batang. (O a lla.) Le jwale ke hona ke lemohang hore lona banna le fetofetoha jwalo ka maemo a lehodimo, mme botshepehi ke ntho e siyo ho lona mona.
THABANG: Sebolelo, na o a elellwa hore o nkentse hara mathata ka ntho ee eo o e entseng Hona hobaneng o sebetsa ditaba ka setu empa nna o sa ntome le ho ntoma tsebe Teng ha ntate a ka a mpotsa ke tla ikarabella ka le reng eng?
THABANG: Ee, ke a dumela hore ke o foseditse, moratuwa...
PALESA: Ee, ho feela ho le jwalo, moratuwa. Ke tshepa hore ke se ke o atameditse haufi le tharollo ya selotho sena jwale.
THABANG: Ke ne ke hopotse hore o tla be o le mosebetsing ka nako ena. Kapa o se o behile meja fatshe, ha o sa batla ho ba mooki?
MMASEBOLELO: Le nna ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo, ngwanaka, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi wa boemo ba hao ya neng a ka a mamellang masawana a tjena, a etswang ke monna enwa wa hao. Le teng o ntse a sa iketse, ha a nka fatshe, o futsitse.
SEBOLELO: Le jwale o tshwanetse hore o lebale, etswe moetsi o a lebala, moetsuwa yena ha a lebale. Ho nna tsena tsohle e tla dula e le sekgopi hobane o ne o di etsa ka letswalo le kgutsitseng, o sa natse hore o re utlwisa bohloko ho le hokae. Le jwale ke utlwa ke hatsela pelo ha ke hopola masisapelo ao o mpaketseng ona, empa ka mora tseo tsohle o batla hore re tswele pele ka moketjana wa lemo tse pedi re nyalane.
DIKELEDI: Hantle haholo, mme, ebile ha ke bua tjena o ntse a panyapanya ka mora ditshepe mane ntlwanatshwana.
SEBOLELO:(A ntse a lla.) Aubuti Thabang o se a dula a fihla bosiu lapeng mane, a nkga a re phu! ke jwala, mme o tla kena a se a ntse a rohakana a bolela le hore o ntse a tlilo re fenetha nna le Pontsho ha re ka nna ra ba kgahlanong le yena.
THABANG: Eo taba ke e nepa ka botlalo, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao.
SEBOLELO: Ke bolela yena eo, mme.
DIKELEDI: Ee, le jwale ke dumellana le wena moo, mosadi, feela hakaalo eno e ne e se yona taba eo ke batlang hore o ke o nkumele yona.
THABANG: Atjhe, ka nnete ho tlola ditlhase ho ke ke ha o tswela kgomo le kgale, Palesa...
MODISE: Tjhe, ha ke bone ho hlokeha hore ke hanane le wena ha o re re bitsetse Thabang kwano lapeng hore re utlwe ntlhakemo ya hae tabeng ena pele ho eba mafekefeke ho feta mona.
DIKELEDI: Le nna ke tshepa hore molao o tla hle o tiise letsoho nyeweng ena, mme ha ho na ka moo Palesa a ka phonyohang ka teng. O tla dula tjhankaneng moo ho fihlella dikgoho di be di mela manaka bo!
MMASEBOLELO: Tjhe, le teng ke ne ke sa bula mokotla, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka ra hla ra e etsa mohatla kgwiti taba ena, etswe e tla qetella e re dubisitse thankga.
PALESA: Ho lokile he, e re ke hle ke phunye seso se tswe boladu, etswe ke a bona hore o se o ntse o tatetse moro, nama e eso butswe le ho butswa. (O kgutsa motsotswana hape.) Aubuti Thabang, ho ka ba jwang ha o ka wa hlala Sebolelo, mme wa inyalla nna?
MMATHABANG: (Ka ho makala.) O batla ho ntjwetsa dife na jwale ntate?
PALESA:(A mo hlaba bohlaswa a sa kgathalle letho.) Nka!! ke kgale ke o bolella hore ke tla o bolaya, ntja towe, empa o sa kgolwe. Ha e le la kajeno lona le tla dikela le wena ke a o jwetsa.
MODISE: Na o se o kile wa ya ho ya mmona?
THABANG: (O a kena.) Dumelang ka lapeng!
E ne e le ngwana pelo e jehang e le ka nnete, mme ke yena ya ileng a pata lelapa lena la Modise bohlaswa. Feela ho ena le hore ebe o ile wa mo leboha ke ha o bona ho le molemo hore o hlanohele dikano, o mathakake le banana ba baoki bao ke sa ba tsebeng le ho ba tseba.
SEBOLELO: Ha ke na yona thahasello ya ho mamela mashano ana a hao a matala ao ke sa tsebeng hore o leba kae ka wona. O mpolelletse o sa pate letho hore o robile Palesa lengole, mme ha ke bone ho sa hlokeha tlhaloso e nngwe e fetang mona hape. (Ka ho phoqa.) Ntho eo ke dumelang hore o lokela ho e etsa ha jwale ke ho ya reka maleiri le lebese, etswe o se o le ntata Nnyeo.
PALESA: Hao Thabang! Hobaneng aubuti eo a ntlhapaola hakana, empa ke sa mo tsebe le ho mo tseba?
NGAKA: Ke a leboha, ntate. O a tswa.
SEBOLELO: Tjhe, haeba o batla ngwana o hle o lebale. O ka mpa wa ilo makala makgotleng a dinyewe kwana o tle o bone hore o ke ke wa atleha le kgale.
MMASEBOLELO: Dumela le wena, Dikeledi! O re ho a be ho etsahetseng jwale ha o kena matshwafo a se a uba tjee?
DIKELEDI:O se a qadile dife na jwale Thabang, Sebolelo!
MMASEBOLELO: (O a hlwephetsa.) O tjho Palesa Lebajwa O re Palesa ke yena ya (O a se kgitla?
PALESA: Ho bua nnete ke ile ka ikutlwa ke tlalwa ke mokgathala o mong oo ke neng ke sa tsebe hore ke wa eng. Jwale he ke ile ka bona ho le molemo hore ke ilo itlhatlhoba hore molato ke eng, mme ngaka e ile ya phahla pinyane. Ere ka ha o haufi le moo ke tswang teng, ke bone ho hlokeha hore ke fapohele kwano ho wena.
PALESA:O batla ke mamele tsona ditsiebadimo tsena tsa hore Sebolelo o batla ho o hlala Tjhe, ke maswabi ho o bolella hore ha ke na yona tjheseho ya ho ka di mamela, etswe ha ho na motho ya o loileng, o itoile ka bowena. Mohlomong le yena Sebolelo o ne o ntse o mo thetsa jwalo ka ha o tlwaetse ho nthetsa, etswe ho wena mona taba di mahlong hore o jele tlwae ke ntho ena ya ho bapala ka maikutlo a basadi?
SEBOLELO: Ho kopa tshwarelo le ho se kope tshwarelo ha hao ha ho re letho ho nna mona. Mokgwa hao ke o tseba hantle, aubuti Thabang. O ka loka matsatsinyana feela, mme e re moo re sa ntseng re ile le kgongwana hodimo teng, o boele o fetole mmala jwalo ka lempetje. Ho hang ha ke sa o tshepa hantle, ekare o tla tloha o tjheha phiri ka motho ha ke sheba tjena.
THABANG: Ke kopa hore o nkinele matsoho metsing hle, moratuwa.
THABANG: Kgoba matshwafo bo! ngwana monna, ke se ke itse thupa ha e shape fatshe. E ne e se maikemisetso a ka ho o kgopisa ka tsela e tjena, mme ke a tshepisa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya boela ya etsahala hape. Ha ke re o a tseba le wena hore mosebetsi wa lebenkele lena ke o opisang hlooho jwang, mme o batla hore monna a ke a o jelle masapo a hlooho hanyane.
MABOKELLE: Banna! mehlolo e tsamaya le badumedi ka nnete.
PALESA: Ha ke no e araba eno potso hoba le wena o le tjena o tseba karabo ya yona hantle. Ke hlalositse hore monna ke qati o a lomisanwa.
MMASEBOLELO: Jwale re tla leta ho fihlella neng na, ntate, ha e le moo ho bonahala hantle hore ba re tshwarisitse lefika jwalo ka tshwene tjee?
DIKELEDI: Pelo ya hao ha e a kgotsofatswa ke eng na jwale, mmannyeo, hoba ke moo mosebeletsi wa setjhaba o o file dikeletso tse molemo?
THABANG: Ha ke re jwale ke ile ka itlama hore ke tla tlisa thabo pelong ya hao, Palesa, mme ke boikarabelo ba ka ho etsa bonnete ba hore o dula o sa hlora jwalo ka pele.
MABOKELLE: Ha se hore ke sefelapelwana, ke tenwa ke ntho ena ya hore o fapane le seo motho a o botsang sona, o fumane o hlahlathela felleng o le mong.
DIKELEDI: Hobaneng o hloile Palesa tjee, mosadi Kapa ke yena ya o jang direthe?
DIKELEDI: Tlohella ho potoloha taba tjena, mosadi, otla ditaba phatla ntjhotjho.
MMASEBOLELO:(O supa Thabang ka monwana.) Ho lokile ke a tswa, empa ke a tiisa ke a hlapanya, haeba o tlisitse ho tella kwano, o tla se bona sa motsheare, moshemane. (Ho Sebolelo) Ke kopa hore o se ka tsamaya pele hoba ha re eso qete ho bua. (O a tswa.
MABOKELLE:O potlaketse kae na hoseng ho hokaale, Sebolelo?
DIKELEDI: Ako tswe o sa behile pelo sekotlolong hanyane hle mmannyeo! Mohlomong Thabang o sa ntse a phathahantswe ke mosebetsi mane lebenkeleng la bona, etswe mosebetsi wa bona o ba hlokisa phomolo e le ka nnete.
THABANG: Ke a leboha, ntate. (Eka o batla ho lla.) Batswadi ba ka, leha e le mona ke dumela hore ke entse phoso, empa Sebolelo o ne a sa tshwanela ho nketsa tjena le yena. O ne a tshwanetse ho ema le nna hore re hlole sera sena ho ena le hore a nkutlwise bohloko hodima moya wa ka o ntse o robehile dikoto tjena. (O a lla.
SEBOLELO: Bua he ke mametse.
THABANG: Leha o ka nteleka jwalo ka ntja tjena, empa lentswe la ka lona le tla sala le ntse le dumaduma kelellong ya hao, mme le mohla ngwana a belehwang o tle o se ka ntebala.
MOLEFI: Feela pejana o boletse hore ke taba tse monate, mme ebile di etsa hore o ikutlwe morolo hoo o seng o bona hantle hore le tangtang e tla kgangwa ke lerole monongwaha.
Diketsahalo tsa pale ena di toboketsa mantswe a Sesotho a reng ngwana wa mahana-ho-jwetswa o bonwa ka maoma hloohong. Le hoja Thabang a ile a hlajwa malotswana hore ho hloka botshepehi ho molekane wa hae ho ke ke ha mo tswela kgomo ka letho, empa o ile a ikwala ditsebe ka leshoma. Hlalosa ka ho teba semelo sa Thabang ekasitana le sesosa sa kgohlano tshwantshisong ena.
SEBOLELO: Ntwa ke ya madulwammoho jwang, ntate, empa e le kgale aubuti Thabang a suhasuhana le moya wa ka hoo qetellong a ileng a ba a nketsetsa mohlolo wa taba?
SEBOLELO: Ekaba ke taba efe na, ntate?
THABANG:(Ka ho makala.) Ho bolela hore o no lomahantse meno ka taba ena Sebolelo, ha e le moo o se o bile o tsebisitse batswadi ba rona hammoho le setjhaba sohle hore ha ho sa na moketjana kwano?
THABANG: Ke bontshwa tosa ke mang Ke wena Ka nnete e tla ba ha ke sa le yena Thabang wa Mmathabang. Ke re le hona jwale tjena ha ke no tswafa ho le tshwarisa phupe ka lefe ha e le hore le nkganela ka madi a ka?
THABANG: Tjhe, ntate, ha ke lwane, feela ke ke kopa ho lokollelwa ngwanaka hore ke itsamaele ka kgotso.
PALESA: Lentswe ha se monwana, ha le kgutle, aubuti Thabang. O buile puo pha! o sa pate letho hore ngwana enwa eo ke mo lebelletseng ha o mmatle. Ebile wena ha o eso ka ba o re o batla ngwana hoba o ntate wa lelapa ya nyetseng. Jwale ntho e nqakang ka ho fetisisa ke hore o mpherehile o bolela ka moo o nthatang ka teng, empa o tsebile hantle ho tloha sethatong hore o na le mosadi le ngwana. Jwale ha mathata a hlwele setha hodimo, o se o batla ho tjhetjhella morao jwalo ka poho ha e e nka matla. Ngwana yena jwale ke sa toboketsa hore o tla mo etsetsa ntho e nngwe le e nngwe, mme o tla fumana kgodiso e ntle jwalo ka bana ba bang. Ha e le nna le wena ha ho sa na letho leo re tla le buang hape, re tla boela re teana hape ha ngwana a se a hlahile hore o tle o tsebe ho ntsha tjhelete ya phepo ka kgwedi.
MABOKELLE: Lerumo la ntho nngwe na, mosadi Ha ke tsebe ho re hobaneng o lokela ho bua puo tse fapaneng hlooho tjena, empa o le motho e moholo hakana. Mona re bua ka mathata a bana e seng ditsiebadimo tsena tseo o di buang?
MODISE: Monna, ho o tshwarela ke ntho e nngwe hape jwale, hoba re ile ra o kgalema jwalo ka motho e moholo ha re tla utlwa Sebolelo a re o robile ngwanana elwa wa mooki lengole. Jwale ke wena hape ya boelang a itshola athe maoba mona o ne o lomahantse meno o re o ipatlela bana ba hao feela ho bona.
DIKELEDI: Tjhe, mme Mmasebolelo, tseo ha re a lokela ho di tshohla ha jwale, etswe di tla shebisa meya ya rona morao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho thabela ho bona Sebolelo a fodile mahlabeng ana ao a leng ho ona.
SEBOLELO: (Le yena ka bohale.) Leha o ka ba wa nnatha, empa ha e le nnete yona ke tla e bua ho fihlella ke be ke kena ho ona o batang! Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, o tshaba lehala, o balehela moratheng. Ho ena le hore o amohele diphoso tsa hao o tla be o ntshepisa dipaputla kapa hore o tla mphenetha. Kgetlong lena teng nke ke ka tholela masawana le kgale; ke se ke itse ke tla bua hore ha ho le tjee ho be ho petsohe le mafika. (Pontsho o a lla.) Bona hore le ngwana o lliswa ke bokgodumodumo bona ba hao. (O leka ho mo thodisa.) Thola, Nana, itholele hle, ngwanana mmae.
THABANG: Ke kopa hore o mmamele hanngwenyana feela bophelong hle, moshaneso, etswe taba ena e hlokolosi ho feta ka moo o nahanang ka teng.
MABOKELLE: Butle ka tseo, Mmasebolelo, hodima o ntse o utlwa hore ngwana o maemong a sa jeseng ditheohelang a bophelo.
DIKELEDI: Butle hle, mosadi, ka puonyana tsena tsa hao tsa bosawana. O ikopisa hlooho ka ntho tse hole le wena, mme hono ho tla qetella ho behile lenyalo la lona ka mosing. Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, empa o se o ntso qala ho bolela ka moo o seng o sa tshepe molekane wa hao ka teng. Ka nnete dira tsa lona di tla hle di didietse ha di ka tsa utlwa hore o ntse o reng ka Thabang. O tseba hantle le wena hore baqabanyi ba mona Rammolotsi ba bangata jwang, feela o batla ho beselletsa hlaha hodima ho ntse ho le jwalo.
THABANG:(O phahamisa matshwafo.) O reng, Palesa O batla hore ke hlale Sebolelo Ka nnete ha ke kgolwe sena se utluwang ke tsebe tsa ka. Kapa ke a lora na banna?
MABOKELLE: Tjhe, nna jwale o a ntlhola, ngwanaka, ha o bua tjena. Re leka ho o bontsha mabaka jwalo ka ha re ile ra dumellana le ba bohading ba hao.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Feela o etsa jwang?
DIKELEDI: Ho feela ho le jwalo, batswadi ba ka, Sebolelo o amohetswe sepetlele a le maemong a mabe haholo a bophelo.
THABANG: Ntate, ha ho na hore nka tsamaya le sa mpha seo e leng sa ka.
THABANG:O a bona wena Sebolelo, o tla utlwa eka o a bitswa ha nka ka o tshwara ka matsoho ana a ka. Mokgwa hao ke elelletswe hore o motho ya hlolwang ke maemo, mme ha ke re ke o neha hlompho e o loketseng jwalo ka mosadi, o bona eka hlooho ena ya ka e fapane.
THABANG: Leha e le mona o sa batle le ho mamela seo ke tlileng ho tla o jwetsa sona ha ho na taba, ke a bona hore pelo ya hao e sa ntse e thulame ha jwale. Empa ka bokgutshwane taba eo ke e tletseng kwano e mabapi le ngwana enwa eo o mo lebelletseng.
MMASEBOLELO: Le jwale ha ho sa le monate lapeng la bona, mme ke a ipotsa hore ke moleko wa eng o tsukutlang maikutlo a eo mokgwenyana hore a be a qetelle a iphetotse tau lapeng la hae. Empa le teng ha ke mo tshwaye phoso hakaalo, hoba ngwana wa lekgala o tsamaya ka lekeke.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ebile bosiu bona bo sa tswang ho feta ke bo qetile ke ntse ke eja masapo a hlooho, ke leka ho thuisa taba ena ya moketjana wa rona, mme kgabareng ke ile ka ba ka fihlella qeto ya mapomelo. Ho hang ho tu! ha ho sa na moketjana o tla ketekwang mona, hoba ke mona o leqe ha o lokela ho phahamisa maoto ho ka etsa ditlhophiso.
MOLEFI: Monna, leo ha se lona lebaka leo o ka itshirelletsang ka lona. Re sebetsa mmoho kwano, mme le dihora re sebetsa tse lekanang, empa leha ho le jwalo ha ke eso ka ba ke tletleba ka mosebetsi wa ka le ho fihlela lena le hodimo. Ka mehla ke dula ke netefatsa hore leha nka ka phathahana jwang kapa jwang, ke etsa bonnete ba hore mosebetsi ona ke o etsa ka bokgabane bona bo babatsehang. Jwale wena o hlolwa ke eng ho tsamaya mehlaleng ya ka?
MODISE: Jwale, mofumahadi, re tla etsa jwang ha ho ka ha etsahala hore a re bolelle sefamahlo hore ha a na tjhelete ya ho ka lefa molato oo?
THABANG: Se ka ikutlwisa bohloko tjena, Sebolelo. Re ke ke ra qhelela moketjana thoko hodima re se re memme batho ba bangata hakana. Ebile re tla be re thabisa dira tsa rona ka ho etsa jwalo, moratuwa. Ho hang batho ba tla bona hantle ha re se re fapane dihlooho.
Letshaba ke mohlophisi wa ditaba lesedinyaneng la setjhaba le fumanwang dikarolong tse bohareng ba porofensi ya Leboya-Bophirima. Lesedinyana lena le phatlalatswa ho tswa motsemoholo, Mafikeng.
THABANG: Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
MODISE: Mmathabang, ke nako jwale hore moshemane enwa a ke a rutwe molao hanyenyane feela, hoba o tena a tella tjena a tseba hantle ha ho motho ya tla mo etsang letho.
MMASEBOLELO: O mpa o apara nkwe ka phoso, ntate, o tseba hantle ke phoso ya Modise le baetsana ba hae hore e be ditaba di mafekefeke tjena kajeno. Ebile sena ke sesupo sa hore le badimo ba halefile moo ba teng, mme ha ho letho le ka phokang bohale ba bona ntle le ho re Modise a itekodisise hantle.
SEBOLELO: Aubuti Thabang ke kopa hore o tsamaye lapeng mona pele o nketsisa diphoso.
PALESA: Feela na o a lemoha hore lerato lena la rona le kotsi, aubuti Thabang?
DIKELEDI: Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwane, mosadi. Empa ha e le mona teng ha ke rate ho o patela hore o bapala ka mathe, metsi a ntse a le teng. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla ya lapeng ke ilo jella taba ena masapo a hlooho hanyane pele nka ka tatela ho nka qeto. Pelo mokgwa yona e ka o hulela moo e ratang teng, mme wa iphumana o llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ka moso, ha mokuru o se o sibile.
MOLEFI:(Ka ho makala.) Palesa o ithwetse Banna wee! mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho ka nnete?
Pono ya 1 Lapeng ha Mabokelle. O mmoho le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.
THABANG: Palesa, ke tsebisitse Sebolelo ka taba ena ya rona, mme o halefile hampe moo a teng hona jwale, hoba o boetse a phaella ka hore o tlilo tla ntlhala.
DIKELEDI:(O kena matshwafo a uba.) Dumelang ka lapeng batswadi!
PALESA: Ke efe yona eo Bua ka pele o tsebe ho hata kosene, etswe nako tsa ka jwale di a shapana?
DIKELEDI: Ke o utlwisa bohloko ha ke reng na, mosadi Na o tiisitse ha o re ha o sa mo rata Thabang, kapa o etsa tseo tsohle ka lebaka la maikutlo a hao a mohla monene?
MODISE: Taba ha di robaletse ke o jwetse he, mosadi, haeba ha o tsebe. Thabang ke yena ka seqo ya letsitseng mme a ntjwetsa tseo tsohle. A re yena o amohetse mohala o tswang sepetlele ka ho otloloha o mo tsebisa tsena tsohle.
MMASEBOLELO:(Ka bohale.) Ntate, na o a elellwa hore ngwana enwa wa Modise ha a telle o nka ntho e fatshe Ke enwa jwale o tlisitse ho tella kwano?
DIKELEDI: Basadi, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete! O a tseba ntho tsena tseo o di buang ha ho na moo di tshwanelang Thabang teng. Le jwale ke swabile nko ho feta molomo, mosadi.
SEBOLELO: Ee, le jwale, Dikeledi, ha a yo motho wa nama le madi lefatsheng mona ya ka amohelang kapa hona ho mamella manyampetla ana a entsweng ke aubuti Thabang.
MABOKELLE:(O leka ho ba thodisa.) Se itsheleng ka meokgo tjena hleng. Ho tla loka hape.
THABANG: Palesa, hle! Ako tlohele ho iketsa ngwana tjena. O tseba hantle hore ke o rata ke tiile, feela leha ho le jwalo o sa ntse o phehelletse ho nqosa ka ntho tsa mafeela. Ntho ena eo o e tatetseng e ka tloha ya re beha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo o tseba hantle hore ditaba mokgwa tsona ha di robaletse, ebile ha di timanwe e se bohobe. Ka nnete tangtang e ka kgangwa ke lerole ha Sebolelo a ka a re bona re le mmoho re ikonka jwalo ka ha o bolela.
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hosane ha le tjhaba ke phutha mehaswana yohle ya ka, mme ke tla tswa ke ilo ipatlela makgulo a matala nna le Pontso moo re tla phelang ka kgotso teng, etswe lapeng mona ekare ha re a amoheleha hantle. Ha e le ho kgutlela morao teng ke se ke itse setsweng ke hole bo! (O a tswa, mme o ba siya ba ntse ba maketse jwalo.
MODISE: Ke yona he e nngwe ya ntho tse bontshang ka moo o hlolwang ke boikarabelo ba hao ka teng, mora. Ho e na le ho re o bope lelapa la hao hore le tiye, ke wena ya kenyang metsi ka moedi.
THABANG:O motho ya makatsang e le ka nnete, Palesa. Ha se wena pejana moo ya neng a bolela ka moo lerato la hao le tlolang ditlhase ka teng ho nna, empa e sa boetse ke wena hape ya tshelang taba ena ka metsi E le hore ha o ntshepe na, mosadi?
MMASEBOLELO: Hao ntate! Wena o lebala ka pele jwang na. Ha ke re ke maobanyana a matsho moo ha moradi le eo mokgwenyana ba ne ba tlile kwano ho tla re tsebisa hore ba ilo etsa moketjana wa bona kgweding ena e tlang Jwale o a mmakatsa ha o bolela hore o se o lebetse taba tse bohlokwa hakana?
PALESA: Itjhuu! Hantlentle o etsang, Sebolelo?
PALESA:(O a ikgalefisa.) O bolela jwang ha o re o tla be o iphasa ka lerapo molaleng, aubuti Thabang Ho bolela hore ke mokgokakgwale pelong ya hao Ke kgale ke ntse ke bona hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho ntshebedisa. Hoja e le hore o a nthata o ka be o amohetse kopo ena ya ka ka atla tse pedi o sa qeaqee le ho qeaqea?
SEBOLELO: Ha ke re le teng le ka be le ntse le nkemetse hore ke kgutle sekolong ho ena le hore le nketsetse diqeto jwalo ka ha eka ke ngwana tjee.
DIKELEDI: Kgoba matshwafo, mme Mmasebolelo, dintho di tla boela madulong ka nako e sa fediseng pelo.
SEBOLELO: Ke o utlwele bohloko ba ntho nngwe na O ntshenyeditse nako ho lekane. Ke ne ke hopola hore o tlilo tla ntjwetsa ntho e itseng tjha! athe o tlilo mpolella ka moo o leng kakapa ka teng ha ho tluwa tabeng tsa lerato. (Ho Pontsho.) Ha re ye Ngwanana Mmae, re siye enwa ntatao a maketse jwalo. (Ba a tswa, mme ba siya Thabang a eme le monna Mateneng?
MABOKELLE: Tjhe, moo teng nke ke ka o araba, mofumahadi, hoba ano ke maikutlo a hao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshehetsa moradi wa rona, mme re ye moketjaneng ono ka maikutlo a fatshe. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla re kopanye matsoho hore re kgone ho yela Sebolelo mpho eo a tla re hopolang ka yona ho isa lefung.
MMASEBOLELO: Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwana, ngwanaka (Ho a kokotwa monyako.) Basadi! ekaba ke mang jwale ya re kokotelang hoseng ho hokaale (O arabela monyako.) Kena?
DIKELEDI: Butle le wena, mosadi, ka ho ithoba pelo tjena. O re ho se ho boetse ho senyehile kae na hape?
THABANG: Ka moo wena o nahanang ka teng. Ho kena Mabokelle le Mmasebolelo.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) E-e bo mosadi! Na hao bone hore re tla be re sulafalletsa Sebolelo bophelo ka ho etsa jwalo Ho hang ha se ntho e lokelang ho thoholetswa eno. Ha ke hane hore ba ha Modise ba o halefisitse, empa hono ha ho bolele hore re utlwise moradi wa rona bohloko ka tsela e tjena. Ho fetafeta mono ena ha se yona nako ya ho ntsha ditshokelano, feela re lokela ho iketsa kgokanyanaphiri ho ka hlola sera sena se re tobileng?
MMASEBOLELO: Ke maswabi haholo ka se etsahetseng, ngwanaka.
SEBOLELO: Ee, ke tiisitse le jwale. Kapa ha o kgolwe seo ke o jwetsang sona na, mosadi?
Shwalane e wele jwale. Lapeng ha Palesa. O mmoho le Thabang, mme ba iketlile ka mmino wa maikutlo.
THABANG: Jwale tjena ke hona ke utlwisisang hore ntate o bua ka eng, mme le nna ke ntse ke swabile nko ho feta molomo jwalo ka lona, batswadi ba ka. Leihlo le fahlwa le shebile.
MMASEBOLELO: Ha ho thuse letho hore o tenehe ha ke bua le wena, ntate. Ha ke re ke ntsha maikutlo a ka feela, o tla be o qala o ntja tala. Hantlentle puo ee ya baholo ba rona nna ke e utlwisisa jwang na Ha ke re ho ye ho thwe mowakgotla ha a tsekiswe, jwale hobaneng nna eka ke tla hloriswa tjee?
NGAKA: Le jwale ke maswabi haholo, batswadi ba ka, ho le tsebisa hore Sebolelo ha a sa phela. Re lekile makgobonthithi ohle a rona ho ka pholosa bophelo ba hae, mme ka bomadimabe dintho ha di a re tsamaela hantle.
MODISE: Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore maobanyana mona ke wena ya neng a haketse ka lepaketla hore re ilo kopela Thabang tshwarelo, mme ke ile ka leka ho hana, feela wena wa qobella hore ke be ke wele ka hlooho. Bona hona jwale hore ho sala ho etsahalang ka mora moo.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo!
NGAKA: Ka bokgutshwanyane, kgaitsedi, Sebolelo o kgaotswe e meng ya methapo ya madi, mme thipa eno e hlabile le moo e neng e sa tshwanela ho fihla teng. Empa leha ho le jwalo re se re hlophisitse tlaleho ya bongaka e tlileng ho tla sebediswa lekgotleng la dinyewe kgahlanong le sehlola seo sa mosadi. (A kgotsa.) Tjhe, ya sehloho he eo motho!
SEBOLELO: Ha le sa mpatla lapeng mona, mme, ebile ke bona ho le molemo haholo hore ke le suthele hore le sale le eja poqokahlanaka, etswe ke bona hantle hore ekare le jella kgwebeleng ha ke le teng lapeng mona.
SEBOLELO: Ha se phoso ha motho a lebala, empa jwale o feteletsa ditaba le moo ho seng ho sa hlokehe teng, mme hono ho mpontsha hantle hore ha o sa na taba le merero ya lelapa lena. Ke re le ntho tsa bohlokwa o iphapanyetsa tsona jwalo ka beng ba dikolobe. Ha ke tsebe hore o jewa ke eng hantlentle, monna towe. (O kgutsa motsotswana.) Ho tjho hore ha o sa na thahasello le moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane?
THABANG: Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo!
MOLEFI: Ha ke o tlele ka meleko, monna, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o inanatha tjena ha o ne o lokela ho phunya seso sa tswa boladu, athe le wena o ntse o bona hore ke manyala feela ntho ena eo o e etsang. Ho hang ke sitwa ho utlwisisa ka nnete hore hobaneng o salasalane le basadi ka morao, empa o nyetse, o bile o ena le moradi e monyenyane jwalo ka Pontsho tjena.
SEBOLELO:(O phahamisa maikutlo.) E mabapi le ngwana!
PALESA:E mabapi le ngwana Ngwana ofe jwale athe o itse ha eso ka ba o re o batla ngwana O se ke wa ba wa leka wa tla ka bohlanya ha ka mona e sa le hoseng tjena?
MABOKELLE: Tjhe, ha ho molato le teng moo, moradi, etswe yena tema ya hae o e kgathile mme peo eo a e jetseng ha e a wela tlasa majwe.
THABANG: Ya mofuta o kang ono potso nke ke ka e araba le kgale, etswe le wena o le tjena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
MMATHABANG: Eng O ilo o hlala?
THABANG: Ke a tseba hore o halefile e le ka nnete, moratuwa, empa leha ho le jwalo ke a o kopa hle, ha re lokise mathata a rona, ho ena le hore re a pepese setjhabeng ka tsela e tjena. Ebile moketjana ona o tla re tswela molemo, mme re tla kgona le ho bopela Pontsho bokamoso bo tjhabileng.
MODISE: Ha ho na leihlo le fahlwang le shebile mona. Le etsa diphoso ka boomo ha le qeta le be le batla ho itshereletsa ka morero le sepheo sa hore re tla utlwisisa mabaka a lona. Hohang ha ho na letho leo nka ka le kgolwang ho tswa molomong wa hao, hoba ke a o tseba hore o lemao le ntlhapedi o le tjena.
THABANG: Ha re di behe kgutlo tseo tsa hlanya leno, re lebe kantorong yane e motsheo hore o tle o tsebe ho nkumela tsa moraorao tjena.
DIKELEDI: (Ka ho ngongoreha.) Na jwale o tla hle a fole, ntate ngaka.
DIKELEDI: Ee, ke mo tseba hantle. Hobaneng o mpotsa ka yena?
Ba kena ka kantorong, mme ba koba mangole.
SEBOLELO: Atjhe, mme, nna ha ke kgolwe hore ke tla kgona ho o tsipela taba ena ha jwale, etswe ke sa ntse ke ferekane maikutlo ha bohloko feela, mme ha ke tsebe le hore ke tla qala kae ke qetelle kae ha ho se ho le tjena. O robatsa Pontsho mme ha ba qetile ba fihla ba itulela ka foreising.
PALESA: (Ka ho tshoha.) Jo! Ke eo a kwala mahlo. Ekaba ke tla etsa jwang jwale haeba o shwele moo (O leka ho mo sisinya.) Sebolelo! Sebolelo! Basadi! ha eka ha a arabe tjee. E re ke mpe ke letsetse ba dithuso tsa tshohanyetso. (O tswa ka sekaja?
SEBOLELO: Ke hobane kgale aubuti Thabang a ntshotla moyeng, empa ke mamelletse feela, mme jwale ke bona ho le molemo hore ke lebale ho tu! ka yena. Ke mpe ke tswele pele ka bophelo ba ka.
PALESA: Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o etla kwano ho nna, ha o qeta o be o tsamaya o ilo qhoba bosiu le Sebolelonyana eo wa hao. Le nna ke batla hore o ke o mphe nako e lekaneng, hoba hona jwale re dula re sitiswa ke Sebolelo.
PALESA: Ka mantswe a mang ke nnete hore o ne o mpa o batla ho ntshebedisa feela?
NGAKA: Thato ho phethahetse ya Ramasedi, kgaitsedi, mme ha ho letho leo re ka ra le etsang. Le nna ke le tjena ke bo utlwisisa hantle ka botlalo bohloko boo le bo utlwileng, empa ha le a lokela ho lla jwalo ka makwala. Le lleng le ntse le hopola hore Ramasedi o tla dula a ena le lona ka dinako tsohle.
THABANG: Moo teng o opile kgomo lenaka, ngwaneso. Ramasedi ha a ne a bopa motho wa pele lefatsheng mona, e leng Adama, o ile a nka qeto ya hore a mo bopele molekane, e leng Eva. Ebile ha ho makatse le kajeno ho bona batho ba bang ba ntse ba tsitlalletse mekgweng yane ya boholoholo leha feela mehla e se e fetohile hakana.
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re pelo ya hao ha e a kgotsofala, Sebolelo Hona ha e sa kgotsofatswa ke eng Na Thabang o boetse o a o hlekefetsa hape?
SEBOLELO: Moo teng ke nnete, ngwaneso. (O kgutsa motsotswana, mme o tebisa maikutlo) Le nna jwale ha ke tsebe hore ke tla etsa jwang ha ho se ho ho le tjena. Ke leka ka mehla hore ke hlole meleko e ntobileng empa ho hang ho a haneha, mmannyeo.
SEBOLELO: Nna jwale o a nqaka. Ke diqeto dife tseo ke neng ke lokela ho di etsa le wena, athe ke ile ka hla ka o bolella sefahlamahlo hore ha e le tsa moketjana wa rona re hle re lebale ho tu! ka tsona?
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Weso, Palesa o ne a tlilo mpolella hore o ithwetse ha o mmona a ne tlile kwano.
SEBOLELO:(Ka moya o fatshe.) Aubuti Thabang (Eka o fellwa ke moya.) Atjhe... ha mpe re e tlohele eo taba...
PALESA: Le jwale ke a e hatella hobane ha se nna ya mmitsitseng hore a tle ho nna, ke yena ya itlisitseng ka seqo.
DIKELEDI: Atjhe, e-e, nna jwale o a ntlhola ha o se o bua tseo.
MMASEBOLELO: Ka bokgutshwanyane, ntate, seo ke lekang ho se hlalosa ke hore le yena Thabang ha a nka fatshe, o futsitse bona batswadi bana ba hae. Ho ye ho thwe mokgwa o tloha ntlokgolo o fetele ntlwaneng, mme sena ke sona se etsahalang ha Modise mane.
THABANG:O a tseba keng, Palesa...
MABOKELLE:A reng na jwale moradi, mosadi?
MMATHABANG: Ha ke re ke ne ke mpa ke sisinya feela hore re etse jwang ha ekaba ntja e ingwaile ka leoto la morao, ntate. Jwale ke mona o se o eja difate ka meno, ha o batle le ho mamela seo ke lekang ho se hlalosa. Ka mantswe a mang o ne o batla hore ke se ke ka ntsha maikutlo a ka ka tsela e jwalo, hoba ke mona o a ntjodietsa ha ke re ke a bua?
SEBOLELO:O sa boela o nthohaka hape Ke tla o natha nna, ha ke no tsheha le wena?
THABANG: Butle ka ho ja dipekere tjena, Palesa.
MMASEBOLELO: Ha se yena ya o tebetseng jwang, mosadi Kapa ke wena ya ngadileng?
THABANG: Jwale tjena ntate ha ke kgathalle hore le nketsang, feela ke tla dula ka kgang mona ho fihlela le be le nneha ngwana wa ka.
THABANG: Empa o ka be o ntsebisitse pele o ka etsa jwalo, Sebolelo. Hona jwale ntate le mme ba tla reng ha ba mpona. Hohang ba tlilo tla nkuka jwalo ka otseotse hara diotseotse.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ke tseba eng hantle Ha a yo mosadi lefatsheng mona ya ka mamellang mathata ana ao ke a mamelletseng mona. Sebolelo yena o ja poqo ka hlanaka, athe nna ke jella kgwebeleng sa leeba. Feela ho lokile leha ho le jwalo, aubuti Thabang, etsa ka moo o bonang ka teng, empa ka le leng la matsatsi o tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ke a o jwetsa?
PALESA: Ho lokile, ke tla o jwetsa yona ha feela o ka mphetisa mona pele, moratuwa.
THABANG: Ho feela ho le jwalo, mme le ntate, a re yena hohang a ka se kgone ho phela le nna ho ya pele, hoba ke mona ke se ke entse diaba tse ding hape, mme o tobokeditse taba eo a sa tswa e toboketsa hore lerato la hae ho nna le fedile ho tu! ebile ha ho sa na ka moo a ka fetolang mehopolo ka teng hape.
SEBOLELO: Ha ho le jwalo he nna ke se ke leba mosebetsing, etswe le nako ke yena e se e ntse e mpehile merebele e le ka nnete.
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama.) Nka! ke o rute ho phela le batho, letekatse towe!
THABANG: Ha ke re ke hona ha ke bontsha boinyatso ba ka ketsong ena, ntate, mme le jwale ke a itshola hore hobaneng ke ne ke etsa jwalo.
THABANG: Ke se ke itse ha e hate ka maro bo! rona makwala re none.
MMASEBOLELO: Ao basadi! ekaba ke sekgobo sa eng seo ngwana enwa a re jarisang sona Re lekile ho mmotsa ka makgetlokgetlo ha a ne a etswa mona hore o ya kae, empa o ile a re ila sekgethe. Bona hona jwale o ikentse kenyakenyeng e jwang?
MMASEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke kgobe matshwafo jwang, ntate, empa re ntse re senyehelwa ho ya pele tjena Rona re phethahaditse tsohle tseo re neng re lokela ho di etsa, mme le bona ke dipaki tsa seo. Re mo phahletse, ra ba ra mo etsetsa meetlo yohle ya Sesotho e neng e hlokeha. Jwale ntho e mpherolang dibete ka ho fetisisa ke hore bona ba hulanya maoto ha ba lokela ho re lokisetsa seo e leng sa rona?
MABOKELLE: Moo teng ke nnete, ngwanaka. Le nna ke le tjena nka hlatsweha qati ha dingaka di ka tsa re jwetsa hore Sebolelo o maemong a kgotsofatsang a bophelo, hoba ke kgale re letile jwale.
MMASEBOLELO: Ke motho ya makatsang jwang na, Sebolelo?
PALESA: Ha ho na ngwana eo ke tla fanang ka yena mona. Haholo jwang e le wena ka sebele ya ileng a bolela hore ha o mmatle. Jwale ke eng se etsang hore o fetole maikutlo ka pele tjee, o bolele hore o batla ngwana?
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ho le jwalo o ne o batla hore ke etse jwang he ha e le moo o batla ho latola lesea jwalo ka Judase ha a ne a latola morena Jesu?
MABOKELLE:O buile leha o ka thola, ngwanaka, mme ha ke bone ho hlokeha hore re nne re epollane le tse fetileng tjena, etswe ke tse utlwisang dipelo tsa rona bohloko.
THABANG: (O hemela hodimo pele.) Monna, o a tseba ke a itshola jwale hore hobaneng ke ile ka kgahlwa ke none e qhiletsa e fela tjee! Ka nnete ke hona ke dumelang hore bodibabotala ha bo okamelwe. Feela leha ho le jwalo ke ne ke se na boikgethelo; lerato la ka le nele tlokoma ha ke ne ke qala ho mmona, mme ke ka hoo ke neng ke bua ka sebete hore ke lehlohonolo ho feta banna ba lefatshe lena kaofela.
PALESA: Ha ho thuse letho hore o mpolelle ka Sebolelo, empa o ne o ntshepisa mahodimo le mafatshe maobanyana mona.
MABOKELLE:(Ka ho teneha.) Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, ha ke ithute wena. Ka mehla o fapana le seo motho a o botsang sona, o ipuela ditsiebadimo feela. O tla dulellana le ho inanatha ho fihlella motho a be a teneha, a se a sa batle le ho utlwa taba ho ya pele.
MMASEBOLELO: Ke eng ekare o tjha ntshi, ntate Nna hoja ke ne ke ena le matla ke ne ke tla ya moo ha Modise ke fihle ke ba rute molao. Le jwale ho mpa ho hana matla feela, ho seng jwalo ekabe e le kgale hampe ke ne ke ba bontshe tosa le madinyane a yona?
MABOKELLE: Mosadi, ako tlohelle ho ratha hara moru tjena ha ke bua le wena. Ha ke eso ka ba ke re ke batla ho tseba hore mang o futsitse mang ha a entse jwang, empa ke hopola ke botsitse hore lebaka ke lefe le entseng hore boSebolelo ba qetelle ba qheletse moketjana wa bona thoko.
MABOKELLE:E seng jwalo hle...
MABOKELLE: Re a o rata, Sebolelo ngwanaka, mme ha ho na ka moo re ka o lakaletsang bobe ka teng.
PALESA: (Ka bohale) Jwale wena o behwa ke eng kwano hoba o ntjwetsitse sefahlamahlo hore ha ho na moo o kenang teng tabeng tsa ngwana enwa?
THABANG: Weso, matsatsing ana ekare dintho di tla ntsamaela hantle hohle moo ke yang, mme ha ho potang hore ke se ke tla ja poqokahlanaka haufinyana, etswe ke se ke le lehlohonolo le hoja ke se yona tshitshidi. Ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka o besang o tuke ho nna mona ho ya ka moo ke seng ke finne seledu ka teng. Ke ikutlwa hantle le mading mona hore monongwaha teng tangtang e tla kgangwa ke lerole, mme e se nang sekaja mma yona a hle a tele!
THABANG: Sebolelo, ako tlohelle ho ntsosetsa diletseng tjena hle. Ke neke hopola hore taba eo o se o e lebetse, athe e sa ntse e le ntjha tjha! ho wena le kajeno.
MMASEBOLELO: Ha ke re tsena tsohle di etsahala tjena o le sekolong, ngwanaka. Jwale re ile ra bona ho hlokeha hore re shebisane ditaba jwalo ka batswadi, etswe re ile ra feta mona moo le leng teng kajeno.
SEBOLELO: Itjhuu!! Nthuseng ke a shwa! Joweee! Ka tla ka le bona la moepamolelle, monyolosathaba wee!!
NGAKA: Ho feela ho le jwalo, ntate, re tla hle re leke matsapa ohle a rona ho kgutlisetsa maemo sekeng.
MMATHABANG:E seng hore hakaalo re mo qobelle, ntate, empa re buisane le yena jwalo ka motho e moholo. Ke tshepa hore o tla utlwisisa hore re utlwile bohloko ke sena seo a re entseng sona, mme ha re a lebella hore a re ntshe mejo hanong hodima a se a re phoqile hakana.
MMATHABANG: Le nna, Thabang ngwana ka, ho hang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o entse ketso e tjena, empa o ena le mosadi le ngwana. Hona jwale ba bokgotsing ba tlilo nahana hore re batho ba jwang ba dumellang hore manyala a tjee a etsahale ka pela mahlo a rona?
MOLEFI: Le jwale ke sa tiisa hore ke bona basadinyana bana ba hao ba tletseng naha, ba etsang hore o be monyebe ha o lokela ho etsa mosebetsi wa hao. Ho tloha moo o tla be o bolela hore mosebetsi o opisa hlooho. Ha ho na mosebetsi o opisang hlooho ya letho mona, feela mokgwa hao o qetwa ke botswa.
MMASEBOLELO: Ho bolela hore moleko wane wa ngwana o ne o hlile o batla ho re bolaela ngwana ho isa ka moo dingaka di phathahaneng ka teng. Tjhe, a tla a re roba dipelo he, moradia Lebajwa! Ke a ipotsa hore Sebolelo o tlilo tla shebahala jwang mohlang a lokollwang mona, hoba le tsona dingaka di a tjho hore Palesa o mo hlabile bohlaswa.
THABANG: Ha ke na taba le hore ho etsahalang ka noha le mekoti ya yona, feela ke batla ngwana wa ka hore re tsebe ho arohana ka kgotso.
MABOKELLE: Ako butle hle, Mmasebolelo, ka ho emella ngaka ka dipotso di hana ho fela tjena. Banna bana ke a ba tshepa, ba tla hle ba etse mosebetsi o tswileng matsoho ho ka pholosa bophelo ba Sebolelo.
PALESA: Kgoba matshwafo hle, moratuwa. Ha se bakudi feela ba bonang dingaka...
PALESA:(O tebisa maikutlo.) Sebolelo o tla reng feela ha a ka utlwa hore nna le wena re na le dikamano tse tebileng tjee Hona o tla etsa jwang ho netefatsa hore ke dula ke thabile?
THABANG: Le jwale ke tshwanetse ho makala, Palesa.
MMASEBOLELO: Butle bo! Sebolelo ngwanaka, ka ho ja masooko tjena. O a tseba le nna ho bua nnete, ngwanaka, ba bohading ba hao ha ke ba utlwisise hantle, empa ka ho rialo ha ke o kgothalletse hore o etse sena seo o batlang ho se etsa, etswe ba bohading ba hao ba ne ba tletse yona taba eno kwano. Le nna ka lehlakoreng le leng ke ntse ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo mabapi le sena seo monna enwa wa hao wa lemenemene a o entseng sona, feela re se re fihlelletse qeto le bona hore re tla buisana le wena hore o kgutlele bohading.
MODISE: O a tseba, Mmathabang mohatsaka, ke batla ke ngongorehile haholo ka Thabang matsatsing ana leha feela ho le powaneng tjena hore yena le elwa moradia Mabokelle ba natefetswe ke lenyalo la bona. Ka nnete ha ke tsebe hore ke phunye seso sena jwang ha ho se ho le tjena, mofumahadi.
THABANG: Empa, ntate...
MMASEBOLELO: Ha ho letho leo ke ikemiseditseng lona, ntate, ke mpa ke tshwela se imetseng pelo ena ya ka, mme ha ho letho le ka nkemang ka pele. Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng ke ka hoo ke ikemiseditseng ho lwana ya sedulwamatswapong ha ho le hobe. Ke ne ke sa swaswe maoba mona ha ke ne ke re ho wena ke mpa ke itlhokela matla feela. Ha ke ne ke le monna ke ne ke tla ba bontsha tosa le madinyane a yona! (O halefa le ho feta.) Ha ke tsebe le hore meleko ena ya batho e ikemiseditse ho re lefa neng, ha e se hona ho re ba re kwetletse lerumo ka kobong!
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Ha ho na lerato le neng le tlokoma mona. Hona lerato la hao le tlokomela ho boPalesa jwang, empa Sebolelo a ntse a le teng Le jwale ha ke re fara! ho tla dubeha ha Sebolelo a ka a e tseba taba ena?
THABANG:O tla dieha ho hlalefa, monna Molefi, ha eba o tla nne o ye ka mora puo tseo tsa kgale tse se nang motheo. Matsatsing ana re phela nakong tse mahlonoko e le ka nnete, moo phokojwe ho phelang e diretsana! Ha motho a entse hantle a ke ke a ba a thoholetswa, kapa hona ho nehwa tlotla e mo tshwanetseng. Jwale he, moshaneso, nna ke ithwesa kgaebane pele ke iphumana ke le yona kwekwe ya morao e tlohang le sepolo. Ho hang ho tu! ha ke batle ho bona merero ya ka e nyopiswa ke mabaka a fokolang.
MABOKELLE: Ke moferefere wa eng jwale ka moo, Sebolelo?
THABANG: Eitse ha ke tjhaisa ho tswa mosebetsing ke fumana Sebolelo a iphile dimenyane ho ya lapeng habo, mme a ntshietse molaetsa o reng o tlilo ntlhala.
MMASEBOLELO: Ke dumellana le wena moo, ntate, feela ke batla ke le lesisithehonyana hore ke ntshe maikutlo a ka ka ho phethahala ha jwale. Ka nnete ho sa ntse ho le teng ntho e sa ntshwareng hantle tabeng ena.
SEBOLELO: Le jwale o ka ntjhaella monwana ha ke re ho wena le bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
MODISE:(O mo kena hanong.) E seng jwalo, jwang?
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a tseba Dikeledi, ke ne ke re ha ke no o jwetsa taba ena, empa jwale ke a bona hore o hlile o motho ya ntsotellang e le ka nnete, mme ka ho rialo ke bona ho hlokeha hore ke o amele yona.
NGAKA: Ke tshepa jwalo, kgaitsedi. (O sheba tshupanako ya hae.) Le se le tla nkinela matsoho metsing, batswadi ba ka, ke lokela ho ya mane ka phaposing ya dioporeishene ke bone hore mosebetsi o ntse o eya jwang.
THABANG: (Ka bohale.) Ako tlohelle ho ntjwetsa ditsiebadimo tjena, mosadi! Ke tloha ke be ke o tlatsela hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi, mme bohlalenyana bona ba hao bo be bo o timella.
THABANG: (Ka ho makala.) Ha o na taba le tumediso ya ka ka mabaka afe jwale, moshaneso Hona ke se ke o entse eng e kaale ha o se o jele masooko tjee?
PALESA: Ho lokile ha re di etse mohatla kgwiti tseo, etswe di tla re tsosetsa diletseng. (O kgutsa motsotswana.) Pejana ke itse ho wena ke na le tharollo bothateng bona, leha feela ho ke ke ha eba bonolo jwalo ka ha motho a nahana. Ere ka ha le nna ke se ke lemohile hore tharollo bothateng bona e tla hle e kgwehlise mangole e le ka nnete, ho ka ba molemo haholo ha o ka wa ja masapo a hlooho hore ka moso o tle o se ke wa re ke nna ya o kentseng lerapo molaleng.
MODISE: Monna, ho inyatsa le ho se inyatse ha hao ho tshwana feela. O re tlotlolotse re ne re o tshepile, mme lerumo lena leo o hlabileng dipelo tsa rona ka lona le re baketse maqeba a ke keng a ba a fola le kgale.
THABANG: Molefi moshaneso, ho hobe, ntja e ingwaile ka leoto la morao. Ebile ha ho potang hore ha ke sa itlhokomele ke tla iphumana ke le ka moo thakadi di fatelang ka teng.
MOLEFI: Mokgwaka ha ke tshohe moru o se nang nkwe jwalo ka ha o nahana, monna Thabang, etswe keb a tseba hore makwala mokgwa ona a rata ho etsa lerata, empa motho wa teng a ntse a tseba hantle hore ha ho kwae koomeng ho yena mona.
THABANG: Ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele tjena ha ke o fa ntlhakemo ya ka mabapi le taba ena. Ebile ha ke eso ka ba ke hanana le wena tabeng ena, empa seo ke lekang ho se hlalosa ke hore o bile lehala haholo ho ka nkenya tebetebeng e tjena. O tseba hantle hore ke na le mosadi le ngwana, mme le bona ke lokela ho ba hlokomela.
SEBOLELO: Mme, le fihlela qeto jwang empa nna ke sa tsebe?
MABOKELLE: Bua, ke mametse, mme.
MABOKELLE: Ke se ke itse re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang ya opileng kgomo lenaka, mosadi. Feela seo ke se tsebang ke hore o tla be o itatola bosehla ha nako eo e fihla.
SEBOLELO: Ha ho le jwalo ke o neha metsotso e mehlano feela.
SEBOLELO: Etlaba ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore ho ile ha nna ha senyeha hokae, ngwaneso. Sethatong ke ile ka nahana hore kgatello e phahameng ya maikutlo ke yona e etsang hore a ntshetse malokobe ho rona ha a etswa mosebetsing, empa jwale ke lemohile hore letsina le lona le hlile le mo fapanya hlooho ena.
THABANG: Ekare o nkuwa ke pelo, moratuwa...
SEBOLELO Ee, ha ho na e nngwe tsela ha e se hona hore re felle hona mona ka tema ya rona. Mohlomong wena le Palesa le tla natefelwa ke bophelo ha nka ka le siroha. Le teng o se ke wa tshwenyeha ka Pontsho, ke tla itlhokomella yena ka sebele.
MMASEBOLELO: Qhobeshano ke e kgolo lapeng la bana bana, mme hono ho tjhorisitswe ke hona ho qhelela moketjana ona wa bona thoko. O a bona le wena hore lenyalo la Sebolelo le a thekesela, le ka nna la thubeha neng kapa neng.
SEBOLELO:(Eka ha a dumele hantle.) O reng, aubuti Thabang Kapa basadi tsebe tsee tsa ka ha di sa utlwa hantle na?
SEBOLELO: Jwale ha e le taba e bohlokwa re tshwanetse ho e tshohla ka nako ee ya ho ya mosebetsing (O kgutsa motsotswana.) Ha eba o batla ho bua tsa moketjana wa rona, o hlo lebale, hoba ke se ke tsebisitse batswadi ba rona, ekasitana le bamemuwa ba bang hore ha ho sa hlola ho eba le moketjana kwano?
MMASEBOLELO: Ho lokile, ngwanaka, o ka nna wa ilo phomotsa hlooho hanyane, etswe ke a bona hore o shwele ke mokgathala. Feela leha ho le jwalo o ke o jelle taba ena masapo a hlooho pele o iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng, etswe ke tseba hantle hore tholwana tsa ho hlalana ke tse bodila jwang.
MMASEBOLELO:O re ho thweng na, Dikeledi Hlalosa hle, mosadi, o ke o tlohelle ho itoma leleme tjena le wena?
SEBOLELO:O sa bua ka ho ja direthe Ke bua le wena tjena motho o ithwetse moo a teng, mme molato ke wa yena aubuti Thabang?
THABANG: Ekaba ke efe na ntho eo, moratuwa Bua feela, nna ke tla lokisa?
Thabang o kena ka kantorong ya Molefi.
PALESA: Ke eng ha eka o a makala tjee, aubuti Thabang?
THABANG: Palesa, ke o kopile hore o ke o qhelele tseo tsohle thoko, mme o mamele taba ena eo ke tlileng ka yona kwano.
MMASEBOLELO:(Eka o tebisa maikutlo.) Ntate, ke utlwile meeka ka tsebe tsena tsa ka. Ha e le kajeno lena ho tswa ho eo moradiao. Ka nnete le jwale ke sa pheta hore ha ke eso kgolwe sena seo a ntjwetsitseng sona.
MMASEBOLELO:O tla ntshwarela hle, ntate. Ke sehwa ke letswalo ha ke utlwa ngaka ekare le yena o thefulehile maikutlo jwalo ka rona tjena.
PALESA:(O a itlhomola.) Aubuti Thabang, na o feela o tiile ha o re o a nthata, kapa o mpa feela o leka ho bapala ka nna?
PALESA: Ke se ke itse o ka itlhantsa ka moo o itlhantshang ka teng, empa ha e le ngwana enwa yena o tla mo sapota ho fihlela o be o kena ho ona o batang, ke o jwetse. (A ikana.) Ka ntate, ka Lebajwa! oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale. Ho seng jwalo ke tla ya ho Sebolelo ke mmolelle hore o...
SEBOLELO: Le yona tlhalosonyana eo ya hao ha ke sa e hloka le ho ehloka, etswe ke a utlwa hore o tletse ho pota mona.
MOLEFI: Banna! Mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho. Ke hore wena le Palesa ha le eso ye kae kapa kae, empa ke mona le se le qabane, ebile o bolela hore kgomo e kentse leoto ka kgamelong. Ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore ke lekile ka makgetlokgetlo ho o lemosa bohale bo tlang, empa ha o a ka wa rata ho nka dikeletso tsa ka. Jwale ntho e ntenang ka wena ke hore o tlilo kopa thuso ho nna hape, hodima o ne o ntjwetsa masaakokometse maobanyana mona.
A boela a tswela pele ka hore ho hlalana ha se yona tharollo ya mathata, empa ke ho thabisa dira tsa rona feela tse kang boPalesa tjena. Feela leha ho le jwalo pelo ya ka yona e ntse e sa kgotsofala.
MABOKELLE:(O leka ho thodisa Sebolelo.) Se itshele ka dikgapha tjena, Sebolelo ngwanaka, ho tla loka. Feela ha e le moshanyana enwa yena la hae le tla mo tjhabela.
DIKELEDI: Kgoba matshwafo hle, mme Mmasebolelo.
THABANG: Na o tiisitse, Palesa, ha o re o...
THABANG: Empa ha ke re le wena o a tseba hore ho ka se ke ha kgoneha hore ke qhobe bosiu bohle le wena, hoba Sebolelo le Pontsho ba ka ngongoreha hampe ka...
MABOKELLE: Empa, ngwanaka, ako hlomphe dikano tsa hao tsa lenyalo tseo o ileng wa di etsa hore wena le molekane wa hao le tla arohanngwa ke lefu feela.
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke batla hore re etsetse enwa moradi wa rona mpho e kgolo eo a ke keng a ba a e lebala bophelong ba hae. O tla hopola le wena hore ha e sa le a nyalwa mane ha Modise ha re eso ka ba re mo etsetsa letho leo a ka re hopolang ka lona, mme ke utlwa bohloko haholo ha ke hopola taba eno.
MMATHABANG: Ha se hore ke a mo buella, ntate, feela ke ne ke hopola hore moro kgotla ha o okolwe mafura. Mme ka tsela e jwalo ke ne ke sisinya ho ntate hore a fe mora sebaka hore le yena a ntshe maikutlo a hae. Ke a dumela hore molato ona wa hae o tla nka nako pele o ka wa fela, empa leha ho le jwalo ke a kopa, ke wa ka mangole fatshe hore ha thupa ena e mpe e otle fatshe.
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore ke qale kae jwang jwale haho le tjena, mme.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Ha o sa tlisa ntwa kwano, hata kosene hona jwale tjena.
SEBOLELO: Tjhe bo! Dikeledi, ke ne ke sa rate ha taba ena e ne e ka fihlella boemong bona boo o buang ka bona. Aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle le hoja a nthobile moya tjena.
MMASEBOLELO: Ke o tseba o le jwalo, mokgwa hao o tjha ntshi ke ka hoo o sa rateng le ha ke re ke ntsha maikutlo a ka.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Le nna mosebetsi wa ka o ntse o ferekanya hlooho jwalo ka oo wa hao, empa ha o eso utlwe le ka mohla o le mong ke tletleba ka hore ke lebetse, kapa hona ho hulanya maoto ha ho tluwa mererong ya lapa lena. Ha e le wena o dula o le monyebe ka mehla. Ke re le metsamaonyana ena ya hao ya bosiu e batla e mpelaetsa ka nnete. Ebile ke lemohile hore o se o mphella pelo feela matsatsing ana. Ha e ba lerato le fedile o bue feela, o ke o tlohelle ho mpolaisa pelo tjena.
MMASEBOLELO: Kgele basadi! Ra hola ra bona meeka le mehlolo. (O opa diatla.) Le jwale mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
MABOKELLE: Le nna ke ntse ke kgathetse jwalo ka wena, ngwanaka. Ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo kaofela ho eso be le nko ho tswa lemina dingakeng tsena tsa mona, mme hono ho bontsha hantle hore ba sa ntse ba le maphathephathe ka yena.
THABANG: Ke bua ka Pontsho, ntate.
KGAOLO YA 3 eo nka ikwahlayelang yona. Aubuti Thabang o hlokile botshepehi ho nna le hoja ke ne ke mo tshepile hakaalo, mme a kgetha ho mathaka le boPalesa. Jwale wena o batla hore ke mo tshwarele ka mora tseo tsohle. Tjhe, oo ona ha se mohlolo o ka etswang ke nna Sebolelo wa Mmasebolelo. Ha ke re ho wena lerato le fedile ke be ke sa swaswe kapa hona ho bapala, empa ke be ke bua ke lomahantse meno.
MOLEFI: Ho itatola ngwana wa theka la hao ho ke ke ha o tswela tema, ngwana monna. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla phetela Sebolelo tsohle, ke ntano ikopela tshwarelo ka mora tseo tsohle.
MABOKELLE: (Ka bohale.) Kgele! ekare o tla ntena jwale, mosadi! Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba ena re tla e tshohla ha moketjana ona wa boSebolelo o qeta ho feta. Jwale wena o sa ntse o ikeme ka lepaketla hore o batla tjhelete. Hona na ke setlamo hore re be re qhalle ngwana lenyalo ka lebaka la tjhelete ya tjhelete feela?
MMASEBOLELO: Ke kgobe matshwafo jwang athe o a hlalosa le wena hore o tlilo re jwetsa taba tse seng monate?
MODISE: Le jwale ke tshwanetse hore ke o qose, monna. Kapa o ne o lebelletse hore ke thabele manyofonyo ao o a entseng?
MMATHABANG: Re ke ke ra sebetsa ditaba jwalo, ntate, haeba re tla sheba lehlakore le le leng feela la tsona. Ee, ke nnete tlhaloso ya hae ha e hlokehe ha ho se ho le tjena, feela leha ho le jwalo re lokela ho mo thusa hore a tswe bothateng bona pele lenyalo la hae le senyeha.
THABANG: Kgoba matshwafo hle, Sebolelo. Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba e pakeng tsa ka le wena, ke ka hoo ke kopang hore mme a re adime motsotswana feela hore re tle re itshebe hanyenyane.
SEBOLELO: (O phefumolohela hodimo.) Aubuti Thabang o robile Palesa lengole, mme.
THABANG: Ekaba ke efe yona na, moratuwa?
SEBOLELO: Tjhe, ha ho no ba bonolo ho nna hore ke amohele manyala a entsweng ka boomo tjena. Ke batla hore le bona ba utlwe bohloko bona boo ke bo utlwileng hore bo jwang. Ha e le aubuti Thabang yena ha ke kgolwe hore ke sa tla mo tshwarela hape, ho latela sekgobo sena seo a re jarisitseng sona.
THABANG: Se ke wa mphella pelo hle moratu...
THABANG: Beha pelo sekotlolong hle...
THABANG: Le jwale o sethoto, Palesa. Ebile ke nyekelwa ke pelo ha ke o sheba tjena. Le lona leseanyana leo o le lebelletseng ha ke sa le batla, o se o tla bona ka ho feta hore o e hlanaka jwang, hoba nna ha ke eso ka ba ke re ke batla ngwana. Hona ke ne ke tla batla ngwana ke mo isa kae ha eka maemo a moruo a a hlobaetsa hakaale ka ntle ka mona.
THABANG: Kgele! ha ke a le bona ke le tjametse nna mora Modise ha e le kajeno lena, feela ha ho nang, le pele di na le baji.
MMATHABANG: Ekaba, ntate, o bua ka eng na jwale ha a se a jele dipekere hakaale?
MMATHABANG: Ha ke re, ntate Thabang o a kena.
MMASEBOLELO: Se ise pelo mafisa hle...
SEBOLELO: Ka nnete, ngwaneso, ke lahlehelwa ke tshepo ho aubuti Thabang. Ha se lekgetlo la pele a ntshepisa hore o tla feta le kwano ho tla ntata, empa a be a sa phethise ditshepiso tsa hae. Jwale ke lebaka lefe le ka etsang hore ke mo tshepe hodima a se a kile a nkutlwisa bohloko hakana?
MABOKELLE:E-e bo! ngwana towe, o batla ho reng na jwale?
MMASEBOLELO: Tlohella tseo hle, Sebolelo, nna ke boulela ka bokamoso ba hao.
THABANG: Le jwale o a bona le wena hore ke manyala feela ntho ena eo o e entseng. Hona jwale tjena lenyalo la ka le tlilo reketla ha Sebolelo a ka a utlwela ka taba ena.
THABANG: Ha ho ka ha etsahala hore lenyalo la rona le fihle pheletsong, ke kopa hore o ntokollele Pontsho hore ke ikgodisetse yena.
MMASEBOLELO: (Ka ho makala.) O robile Palesa lengole O batla ho ntjwetsa dife na jwale, Sebolelo?
THABANG: Butle hle, ngwana monna, ka ho nqhobela majwe hanong tjena.
SEBOLELO: Ha se yona taba eo, empa yena yona ke sekgobo seo nke keng ka se lebala ho fihlella ke ba ke kena lebitleng, mme ketsahalo ena e entse hore ke hloye phoofolo ena eo ho thweng ke monna.
Ho batjhana ba ka ba babedi, Tshepo "Mataupana" Letshaba le Nomvuyo "Mmadimpho" Siko. Ke re ho bona tlhako ya morao e lokela ho hata moo ya pele e hatileng teng.
THABANG: Ho lokile he. (O kgutsa motsotswana, a nto thetha sehohlola.) Monna, ka nnete le nna ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae, feela leha ho le jwalo seo nka o jwetsang sona ke hore ke fumane pabala e nngwe tjena ya mooki tliliniking yane e ka Marantha. A re lebitso la hae ke Palesa Lebajwa. Ka nnete ke tjha mpa le seatla ke nyenyeula eno! Na ekaba o a mo tseba motho eo ke buang ka yena, moshaneso?
SEBOLELO: Aubuti Thabang o tseba dinomoro tsa ka tsa mohala wa letsoho, keng a sa letse hore a ntsebise hore o diehile hokae, ho ena le hore a ntshwarise lefika jwalo ka tshwene tjee?
PALESA: Le nna ke bona jwalo, aubuti Thabang, hoba ha esale ke hola ke eba mokana ke kgetlo la pele ke fumana mofuthu o tjena wa lerato bophelong ba ka, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi ke tla fumana mopholosi ya kang wena tjena bophelong ba ka. Ke moo he toro tsa ka di phethahetse jwale, ke mo fumane, mme ke enwa haufi le pelo ya ka. O rialo a supa Thabang.
MMASEBOLELO: Le nna ke ntse ke eme hlooho jwalo ka wena, feela leha ho le jwalo ha ke makale hoba ke a tseba hore moshemane eo ha a nka fatshe, o nkile mekgwa ena e ditshila ho ntatae. He ke re ke mo hloile hampe monnamoholo eo ya tedu di putswa, tse kang tsa ntja e momme sekatana!
SEBOLELO:(O sheba nako.) Ke o neha motsotso wa ho qetela hore o be o buile taba eo ya hao, ho seng jwalo o tla tswa ka ntshwe di sa fohlwa lapeng mona.
MMATHABANG: Ke thaba haholo ha e le mona o dumellana le nna, ntate, etswe le ditsebi di a tjho hore tjheleteng ha ho na motho ya batlang ho iphumana a di hula mohatleng ka nnete. Ho thwe batjheng mona lehlanahlana ke la motimahlaha, mme le poho ya mokgerane e ka tlola lesaka ha ho le jwalo.
THABANG: Empa, weso, taba ena e tshopodi ho feta ka moo o ka nahanang ka teng, mme etlare mohlang pelo ya ka e lokolohang ke tla o phetela tsohle ka botlalo ke sa qeaqee le ho qeaqea. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka mpha sebaka hanyenyane feela hore nke ke je masapo a hlooho, etswe le wena o a tseba hore lepotlapotla le ja podi. Ho fetafeta moo ke batla ke le lesisithehonyana ho ka phunya seso sa tswa boladu ha jwale ka ha le lona le le tjena le ka tloha la tshwarisa motho phupe ka lefe. (O kgutsa motsotswana.) Le Sesotho le sona se ka ntjhaella monwana hore dikgomo tsa moketahadi ha di na motlohapele.
MABOKELLE: Butle bo! Mmasebolelo, ena ha se yona nako ya ho bua puo tse sekameng jwalo. Seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho ba ngatanngwe, mme re fe Sebolelo tshehetso yohle eo a e hlokang.
DIKELEDI: Butle bo! mosadi, ka ho itshela ka dikgapha tjena. Na Thabang o se a boetse a fihla bosiu a kgaqile majwala, a le tshosa ka hore o tlile ho tla le fenetha?
Pono ya 4 Ke nako ya kgefutso sekolong sa Rehauhetswe. Sebolelo o bonahala a tshwenyehile haholo, mme le sefahleho sa hae ha se a phutholoha ho hang.
SEBOLELO: Ke eng yona ntho eo o batlang ho e bua le nna?
THABANG: Ntate, ke kopa hore re ke re di qhelele thoko hanyane tseo.
PALESA:(Ka bohale.) Ka mantswe a mang o batla hore ke a o etselletsa ha ke re ke ngwana wa hao eo ke mo lebelletseng?
SEBOLELO: Le nna ha ke sa na boikgethelo ha ho le tjena, ha ho na ka moo re ka qothisanang lehlokwa ka monna ka teng. Ke amohetse jwale hore metsi a matjha a lokela ho ntsha a kgale.
THABANG: Athe o ne o nahana hore ke a bapala Ke batla ngwana wa ka hore ke ilo ikgodisetsa yena etswe ke a elellwa hore wena ha o sa na taba le nna?
THABANG: Feela seo nka o jwetsang sona ke hore o ntshwarele hle, hakwe la pelo ya ka ha e le mona ke o robile pelo tjena. Seo nka o jwetsang sona ke hore ke hlokile botshepehi ho wena, mme ke kopa hore o nkinele matsoho metsing ka sena seo ke se entseng.
PALESA: Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
PALESA:O reng O re le ngwana enwa ha o sa mmatla, aubuti Thabang?
MOLEFI: O tjho jwang jwale?
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Tjhe, ha ke bone e tla be e le tharollo ya mathata eno, mosadi. Ha ke re Thabang ke yena ka sebele ya ileng a itlama mohla monene hore o tla itefella ditshenyehelo tsohle tsa hae, jwale hobaneng re lokela ho ikenya lerapo molaleng tjee Ho fetafeta moo yena le elwa motswalle wa hae ba na le lebenkele le leholo ka ho fetisisa motseng mona, mme ha ho potang hore ba olla tjhelete ka dikotlolo ha le ina nko mobung?
THABANG: Ha ke tsebe hore ke etse jwang ha ho se ho le hobe tjena ho ya ka moo mathata a ntlhweleng setha ka teng. Ka nnete le wena o ke ke wa kgolwa sena seo ke tla o jwetsa sona, ke taba e sisimosang mmele e le ka nnete, weso.
THABANG: Ako tlohelle ho nkgonothela ka diletseng tjena hle, Sebolelo.
NGAKA:(Ka moya o fatshe.) Batswadi ba ka, ke kopa hore le nkutlwisise hantle ho sena seo ke tlileng ho tla le jwetsa sona mabapi le Sebolelo.
SEBOLELO: Bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona, ke hle ke o sebele ha eba ha o tsebe, aubuti.
THABANG: Leha re ne re ka ra keteka lemo tse lekgolo re nyalane, ho salang ke hore nke ke ka hatella maikutlo a ka le kgale. Ebile ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka se keng a thabela ho utlwana le pabala e botle bo hlollang jwalo ka Palesa tjena. Ke bolela le bona bohloohoputswa ha ba sa itheka morwalo matsatsing ana. E mong le e mong o batla ho tswa a hamme e tswele le mohasula. Ho hang ha ho ngwana e motle ditjhabeng, lehlanahlana ke la motimahlaha. Jwale o ne o lebelletse hore rona boThabang re etse jwang hara lehesheheshe le tjee, moo dipitsa di dulang di pjatla?
THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, ha ho jwalo ka ha o nahana hle, mohatsaka. O a tseba le wena hore re tshwara tau ka ditlena jwang lebenkeleng mane, mme hono ho etsa hore motho a dule a ferekane...
SEBOLELO: Tjhe, ha ke eso ka ba ke tsebisa mang kapa mang ka taba ena, hoba ke ne ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke nyopisa morero wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane. Ho fetafeta moo aubuti Thabang o ile a kopa tshwarelo ka seo a ileng a se bua, feela ha ke bone a bakile mekgweng, hoba ke mona o sa ntse a phehelletse ho ya pele.
THABANG: Ho itokolla mosebetsing e ke ke ya eba yona tharollo bothateng bona, seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iketsa kgokanyana...
SEBOLELO: Le jwale ha ho letho leo o lokelang ho le hlalosa, aubuti Thabang. O mphoqile le hoja ke ne ke o tshepile hakaalo, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi o tla be o ntlhanohetse ka tsela e tjena.
SEBOLELO: Ntate, ho na le bothatanyana boo ke batlang ho bo rarolla etswe ke bona bo etsang hore aubuti Thabang a kenwe ke bohlanya tjena.
THABANG:(O mo kena hanong.) Eo taba yona ke e nepa hantle botsekeng, Palesa, empa ha jwale ho ka ba molemo ha o ka hla wa wela temeng hanghang.
SEBOLELO: Ka moo o ka qalang teng.
THABANG: Le nna ha e le ho bua nnete, Palesa, ke qala ho kopana le shweshwe e kang wena tjena, mme ke ka hoo ke sa kang ka tsilatsila ho o jwetsa ka moo ke o ratang ka teng ha re ne re qala ho kopana.
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Ha ke tsebe hore taba ena nka e qala jwang jwale. Ka nnete le nna ke le tjena ke a thatafallwa ha ke lokela ho e thuba.
THABANG:(O phahamisa maikutlo.) O ne o ile ngakeng Na o a kula, mosadi?
THABANG: Ke kgobe matshwafo jwang empa e le moo o batla ho nkenya tebetebeng ya dihele?
MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ke butle ya eng na Ke ka makgetlokgetlo o ntse o fihla ka morao ho nako mosebetsing mona, empa ke sa re letho. Jwale ho fihla moo ke ferohang dibete teng ke boitshwaronyana bona ba hao bo sa yeng ka theko. Ke a elellwa hore o se o hlwele matsatsa ho feta tekanyo matsatsing ana. Ebile ke batla hore o hle o nke qeto kajeno lona lena hore na o tswela pele mmoho le nna ka kgwebo ena kapa tjhe. Hohang ha ke a kgomaretswa ho wena mona, monna, mme ha eba ntho di sa tsamaye hantle kwano, ha ke no tswafa ho ya ipatlela makgulo a matala nqa e nngwe?
Ka selemo sa 2000 o ile a ya ithutela kgaso ya thelevishene (Television Presenting) mane Gauteng.
THABANG: Lebaka ke hobane di thabisa pelo ya ka, mme ho ka etsahala hore di tshware pelo tsa batho ba bang hampenyana. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ha re na mahlo a tshwanang a ho bona ditaba.
MMASEBOLELO: Dumela, Sebolelo! Ekaba le hlotse jwang kajeno Rehauhetswe moo le bana baa ba lona ba ditlokotsebe?
SEBOLELO: Ke maikemisetso a rona ao, mme, le yena ntate Makgwathi o dula a re tjodietsa ka yona taba eno.
DIKELEDI: Butle bo! mosadi. O batla ho ntjwetsa dife na jwale?
DIKELEDI: Ntate, se tshwenyehe ka Thabang, le yena moputso wa hae o ntse o le tseleng, mme ha ho na ka moo a ka phonyohang ka teng ha ho le tjena.
Pono ya 3 Thabang o fihla lebenkeleng, mme o fumana Molefi a halefile.
MOLEFI: Jwale o nketsetsa selotho seo ke sa tsebeng hore ke tla se pota ka kae ha nka ka re ke batla tharollo ya sona.
MODISE:O buile leha o ka thola moo, mofumahadi. Le nna ke le tjena ke ne ke hopotse hore ka nako ena ekabe e le kgale re ne re dihele molato ona, empa ka bomadimabe ke mona mora wa rona o re phoqile.
SEBOLELO: Wena ho tshwana feela leha motho a ka a o tshwarela. O phethaphetha phoso e le nngwe hangatangata ho fihlella motho a be a teneha. Hona jwale o tletleba ka menyako e sa notlelwang. Hosane mona o tla be o kena o itjelletse kgera, o tletleba ka ntho tse ding hape. Ke o tseba o le jwalo mokgwa hao, aubuti Thabang. Ha o ke otlohele batho feela leha o ka wa ba fumana ba hlabile kgobe ka lemao. O tla nne o dulele ho komakoma ka ntho ena le nthwane, mme ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o bolela hore o ntse o tlilo re fenetha nna le Pontsho.
SEBOLELO:(Motsotswana ka mora hoba Thabang a tsamaye.) Le a e bona he ntho eo ke neng ke le bolella yona ka aubuti Thabang. Bona hore hona jwale o re baketse mahlabisadihlong a jwang. (O a se kgitla hape.
THABANG: Tjhe, ke a leboha ha ho le jwalo, moshaneso. (Ka moya o fatshe.) Hlooho ena ya ka e duma ditshepe feela, mme ha ke tsebe hore ke tla qetella ke entse jwang, etswe ke ntse ke tetebela maikutlo le ho feta ha ke nahana sena seo Palesa a ntjwetsitseng sona.
E tjena ntho ke qala ho e bona haesale ke tswalwa ke eba mokaana!
SEBOLELO: Ha ho thuse letho hore re tswele pele ka morero ona, aubuti Thabang, hoba le kgotso ha e sa rena le ho rena lapeng lena. Ho fetafeta moo o batla hore lentswe la hao e ebe lona feela le ahelwang lesaka tlong ena. Ebile e nngwe ya ntho tse etsang hore ke nyekelwe ke pelo ka ho fetisisa ke hobane o rata le ho etsa tshepiso tseo o tsebang hantle hore le wena o ke ke wa ba wa di phethahatsa le kgale.
THABANG: Empa nna ke bona ho ka ba molemo ha ntate a ka a ntshekehela tsebe pele a ka a nqosa, hoba ke se ke hlalositse pejana hore leihlo le fahlwa le shebile.
MABOKELLE: Ena taba e tshopodi e le ka nnete.
THABANG: Ee, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho, Palesa. Ha o bone ke thabile hakaale ha e le moo re behile mehoma fatshe pele ho nako ya tlwaelo kajeno, mme wena ka ho le leng ha o a theohela ho hang. Hono ke sesupo sa hore re betletswe ho tsamaisana tsela ena mmoho, moratuwa.
PALESA: Jwale nna ke kena ka dife hona moo, hoba o ile wa hana hehehe! ha ke ne ke re o mo hlale o inyalle nna Le jwale o tla be a o laile Sebolelo etswe ha o tshepahale o le tjena. O ne o sa phetse ho ntjwetsa ka moo o nthatang ka teng, mme ke ile ka lemoha phiri e se e jele hore mokgwa hao o motjodi o tono se sephatswa. Batho ba sa o tsebeng ba ka ba ba tjho hore o motho ya lokileng empa ho se jwalo. Ke hopola hantle maobanyana mona ha ke ne ke o botsa hore ana o feela o nthata na, kapa o batla ho ntshebedisa feela. O ile wa bolela o bile o ikana hore ha ho letho le ka la re arohanyang, mme le nna ka bothoto ke ile ka ya le kgongwana hodimo hore o feela o nthata. Jwale ha ke batle hore o balehe ka kelello ya ka hape lekgetlong lena, etswe ke a o tseba hore o lemenemene o le tjena?
DIKELEDI: Hao Sebolelo mosadi! Wa shebahala o sa thaba tjee ekaba molato ke eng na, Mmannyeo?
MODISE: Le jwale ke a o tiisetsa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya hlola e etsahala hape. O a tseba le wena hore e kgotjwa e le maoto mane, mme le leihlo le fahlwa le shebile.
MMATHABANG: Ho lokile, ke tla o inela matsoho metsing ha feela o ka ntshepisa hore o ke ke wa kena ditaba ka bohale ha re leka ho tla ka tharollo.
MOLEFI:(Ka ho teneha.) Ako tlohelle ho inanatha tjena hle monna, o ke o otle ditaba phatla ntjhotjho.
THABANG: Sebolelo moratuwa, ke kopa hore o nkinele matsoho metsing mabapi le taba yane ya maobane. E ne e se maikemisetso a ka ho roba moya wa hao ka tsela e jwalo. Ke a tseba hore ke kgale ke o sitela nthong tse ngata, empa ke a tiisa ke a hlapanya, kgetlong lena teng nke ke ka hlola ke o utlwisa bohloko hape. Ke bua ke tiile ha ke re ho wena leihlo le fahlwa le shebile, mme le nna ke se ke itshwetse mokgubu ka tsela e jwalo.
SEBOLELO: Nna ha ke re ntho ke a e etsa, ke a e etsa, mme ha ke bapale ha ke rialo.
MABOKELLE: Jwale he ako mpolelle hore Sebolelo o re lebaka la sena ke eng hantlentle ka ha ke ne ke le siyo ha a o kumela tsena tsohle?
THABANG: Thabo ya hao ke thabo ya ka le nna, Palesa wa ka. (O kgutsa motsotswana.) Jwale he ako mphetise mona hanyenyane feela. Hobaneng o sa itlaleha mosebetsing kajeno na, moratuwa Kapa le kene mohwantong wa boipelaetso le lona?
PALESA: E le hore ke lefe lebaka le etsang hore o batle ho latola molato wa hao, aubuti Thabang?
DIKELEDI: Na o a elellwa hore ha o hlala Thabang, o tla be o thabisa dira tsa lona?
MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ha o a mo etsa letho Jwale ho tla jwang hore a tswe mekgele e se e wetse ka mahlong tjee Kapa dipuo tsa hao feela ke tsona tse entseng hore a betwe ke pelo?
MABOKELLE: Dumela le wena hle, moradi!
SEBOLELO: Ha se hore ke ngongorehile, motswalle, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ke batla ke lahlehetswe ke tshepo ho aubuti Thabang matsatsing ana. Ho hang ha ke sa mo tshepa hantle, mme ha ke tsebe hore ekaba hono ho bakwa ke eng.
Ke lapeng ha Mabokelle. Mabokelle o dutse le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.
MMASEBOLELO: Oo mohlolo nke ke ka o dumella le kgale tlong ena, Sebolelo, mme ke bona le sefahlehong sena sa hao ka moo se edileng ka teng hore ntho e kgolo eo o batlang ho mpatela yona. Feela ha o sa ntjwetse yona ha jwale e tla o ja o le mong ke o jwetse.
Pono ya 5 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Sebolelo o na le Mmasebolelo.
SEBOLELO: Ha ke hloke matsatsi a phomolo, ke ntse ke phetse hantle.
SEBOLELO: Tjhe, ha ho jwalo, mme.
DIKELEDI: Ha ho le jwalo, na o se o kile wa jwetsa batswadi ba hao kapa ba hae Thabang ka taba tsee tse tshosang hakana, mosadi?
MOLEFI: Ho se ho senyehile kae na, monna Ha ke re ke kgale ke o kgalema hore o ke o tswe ka mora Palesa, o nyetse. Jwale ke mona o se o tla ho nna hape o tlilo kopa thuso. Ke kgale ke bona le ka mosebetsi wa hao o sa tswang matsoho hore qetellong ya ditaba ho tlilo ba mafekefeke. (O kgutsa motsotswana.) E le hore o entseng Palesa se sekaale ha e le moo a etswa a kgitla sona sa mmokotsane tjee Kapa le wena o se o ikentse kgodumodumo tsee moo tse harolang basadi jwalo ka dinyamatsane?
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e bo! mosadi. Ha ho ke ho buuwa jwalo hle. Ako lese ho itshela ka meokgo tjena. Bua, o re hobaneng o nahana hore Thabang ha a sa o rata.
SEBOLELO: Ke kopa hore mme a mphe sebaka hannyane feela hore nke ke phomole hanyenyane feela, etswe ha ke eso ka ke fumana kgefutso. Ntate yena o kae?
MABOKELLE: Helang banna! O bua ka ngwana wa hao ofe na, monna?
SEBOLELO: Ke itse ho thata hampe hore nka lebala taba e kang ena. Moetsi ke yena ya lebalang, moetsuwa ha a lebale.
SEBOLELO: Nna ke bone ena e le yona tsela e nepahetseng ya ho sebetsa ditaba, etswe ho ne ho se na leano le leng ntle le lena. O tseba hantle le wena hore ha esale dintho di ntse di sa tsamaye hantle lapeng lena, mme ho ne ho se na hore re ka iphapanyetsa mathata ano ka ha a ne a hlolwa ke wena ka boomo. Ho fetafeta moo ke ikutlwa ke imolohile moyeng, mme se nthabisang ka ho fetisisa ke hore le hoja batswadi ba ne ba maketse hakaalo, empa jwale ba se ba tseba hore o mahodi a patile maeba.
SEBOLELO:(O teneha le ho feta.) Ke itse o bue o ke o tlohelle ho inanatha tjena o ntshenyetsa nako hle, motho wa Modimo.
THABANG:O sa botsa hore ke tebetebe efe Athe ha o bone tebetebe eo ke buang ka yona?
DIKELEDI: Tjhe, ha se hore ha ke o kgolwe, Sebolelo, empa feela ke ngongorehiswa ke maemo ao o leng ho ona kajeno, mme taba di mahlong ho re ha o a thaba hohang. Leha feela o batla ho latola seno, empa nna ke sa hatella hore ntaramane ena eo o reng e o tshwere ha se yona feela e o thefutseng maikutlo tjena. O a tseba ho bohloko jwang ho ipipetsa maikutlo ka ditaba o sa di jwetse batho ba bang, mme leha o le makaqabetsing ha ho na motho ya ka o utlwelang bohloko, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing. Jwale he, ngwaneso, nna ke o kgothaletsa hore o phunye seso, boladu bo tswe, hore o tle o imolohe mathateng.
THABANG: Ho ke ke ha eba bonolo ho etsa jwalo, weso, etswe o a tseba le wena hore basadi ke tau di mesana, ba ka o ja o le tala ha o sa ikatela.
PALESA:(O a mo aka.) Ha ba ha re kokololo! Le mmele wa ba wa phuthuloha hanyane.
MABOKELLE: Ako butle hanyane ka tseo hle, mosadi.
MMASEBOLELO: Ke nnete, ntate, ha ho na mosi o ka kubellang ho se na mollo. Ke a dumela le nna hore sesosa sa qabang ena se teng le hoja ke sa ka ka botsa Sebolelo, etswe ke ile ka lemoha hore o ne a se a ferekane maikutlo le ho feta.
MOLEFI: E le hore o ngongorehiswa ke eng hakaale na, he monna Thabang, ha o ntse o dulellane le ho inanatha ha o lokela ho phunya seso sa tswa boladu Kapa Palesa o se a o kentse pitseng e le nngwe le mohlankana e mong wa hae Ke ba tseba ba le jwalo basadi, ba ka o ntsha mejo hanong hore ha ho le tjee o sale o ponne sa palesa letsatsing. Nna ke kgale ke eja mabele, mme ntho tse kang tsena ke kgale ke teana le tsona, moshaneso. Ha ke re o ile wa bona eka ke sethoto maobanyana mona ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana ka Palesa. O ne o sa batle ho mmamela, mme o no sataladitse molala jwalo ka ha eka mahodimo le mafatshe ana a buswa ke wena o le mong?
MMASEBOLELO: Bua hle, mmanyeo, o tlohele ho balabala tjena.
SEBOLELO: Nna ka nnete ke sitwa ho utlwisisa hore le etsa ditumellano jwang ka bophelo ba ka, empa nna ke sa tsebe le ho tseba. Hona ke eng le ne le sa nkemele hore le utlwe ntlhakemo ya ka tabeng ee?
THABANG: Monna, hore ke botswa kapa tjhe leo ha se lona lebaka, ebile ha se wena hape ya tla ntjwetsa ka moo ke lokelang ho sebetsa ka teng. E le hore wena o kwahelo sa pitsa efe o tla mpolellang hore ke etseng ke se etse jwang. (O mo supa ka monwana.) Ebile ke o jwetsa la ho qetela hore o tlohelle ho kenya basadi ba ka tabeng tsa mosebetsi. Ho seng jwalo ke tla o bontsha tosa le madinyane a yona.
MMASEBOLELO: Butle hle ka ho re rwesa mantswe a bohloko tjena, Sebolelo. O a tseba mantswe ana a hao a ntlhaba pelo ha bohloko.
SEBOLELO: Ha ho letho la hao leo ke le mamelang mona. Mokgwa hao o lemao le ntlhapedi. Ebile ke lemohile hore o tena o itshwara tjena hobane o batla ho mpakisa hore ke dule ke ntse ke sekisa meokgo. Hommeng he ke se ke itse setsweng ke hole ho nna mona. Nke ke ka o dumella hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka hape.
SEBOLELO: Tjhe, ha ho jwalo, Dikeledi. Aubuti Thabang ke yena ya fihlileng a ntjwetsa sefahlamahlo hore o robile Palesa lengole. E ne e tla ba taba e nngwe ha e le hore ke ne ke di utlwa ka mohalatjhetjhe.
MMASEBOLELO: Ntate, ha ho bolele hore ha o tatetse boqheku, ke batho kaofela ba ka bo thabelang. Nna ha ho na moo nka ikamahanyang le bona teng, hoba ke se ke ile ka lemoha ka moo bo leng sehloho ka teng.
MABOKELLE: Ka nnete ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena, haholo jwang e le motho ya nang le seriti tjee motseng moo!
MMATHABANG: Ha ke re ke utlwa le ka moo o buang ka teng hore ha o sa na taba le yena. Ha ke hane hore Thabang o re sitetswe, empa hono ha ho bolele hore re lokela ho mo qhalla matsoho jwalo ka ha eka ke mmutla wa dintjeng tjena.
MOLEFI:O bua mashano a matala, mme ke sa tiisa le jwale hore ho se ho le haufi haholo moo ke yang teng ka kgwebo ena. O bue ha eba o batla ho itokolla mosebetsing, nke ke ka ema ka pela tsela tsa hao ha eba o batla ho etsa jwalo.
SEBOLELO: Le bona ba ntse ba sa batle ho ntshehetsa morerong ona, ba ntse ba nneha dikeletso tse tshwanang le tsena tsa lona. Ke ka hoo ke reng ha ho na motho ya batlang ho nkutlwela bohloko lefatsheng mona. Kaofela ha bona ba tshehetsa aubuti Thabang jwalo ka ha eka ke nna ya entseng phoso.
MABOKELLE: Ekaba ke taba ya mofuta nngwe na eo, mofumahadi?
THABANG: Sebolelo, hle, moratuwa, ako tlohelle ho epolla masapo a kgale tjena, o sekehele sello sa ka tsebe.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Dikeledi motswalle, ka nnete ha ke kgolwe hore aubuti Thabang o sa ntse a nthata jwalo ka pele ha re ne re qala ho kena lenyalong. Ka nnete ke utlwa le pelong mona hore ho teng se mo sitisang ho ka nthata jwalo ka...
SEBOLELO:(O tshehisa ho phoqa.) Hahaha! Athe le di etsa tjena le di tshaba Nna nako ena kaofela ke ntse ke ile le kgongwana hodimo hore le di etsa tjena le ena le boikemelo ba tsona?
MMASEBOLELO:E seng ho nna mona, ntate. Ha ke bo labalabele le ho bo labalabela botsofadi boo ba lona, hoba ditlamorao tsa bona ke tse bosula e le ka nnete.
Pono ya 4 Thapameng yona eo ha sekolo se etswa. Sebolelo o fihla lapeng habo, mme o fumana batswadi ba hae ka phaposing ya ho phomola.
MABOKELLE: Tjhe, ho lokile, moradi. Ha re hle re di etse mohatla kgwiti tseno, re tla di bona ka nako e nngwe, ha jwale ho sa na le taba eo re lokelang ho e tshohla le wena.
SEBOLELO:O ne o lebelletse hore ke o tshwarele jwang o ntse o phethaphetha phoso e le nngwe hangata tjee Ka nnete ha o bontshe hore o motho e moholo, ya nyetseng, a bile a ena le ngwana. Ntho e kgolo e sa ntseng e dumaduma kelellong ya hao mona ke ho mathakaka majwaleng, o kgutle ka nako tsa baloi hore o tsebe ho re hlobaetsa boroko. Le jwale ke mohlolo hore e be o kene o sa etsa mekutu e mona eo o hlolang o e etsa, ya ho dumisa batho dihlooho. (O hopola ho hong.) Be! ka ba ka hopola ntho e nngwe. Hobaneng o sa ka wa ntata mosebetsing hore re ye toropong jwalo ka ha re ne re dumellane?
THABANG: Ke taba tse monate?
THABANG: Sebolelo, ke a tseba hore o sa ntse o ferekane ha jwale, empa ha ke a tlela tseno kwano ha o mpona ke le tjena.
PALESA: Ho pheha kgang ho ke ke ha re thusa...
DIKELEDI: Empa ena yona ha se tsela e ntle ya ho ka sebetsa ditaba, mosadi.
THABANG: Ke taba e hlokolosi, mme e bohlokwa haholo.
MOLEFI: Atjhe, le nna ha ke tsebe hore pharela ena ke tla e rarolla jwang ka ha le wena o ne o sebedisa dikgoka le moo ho neng ho sa hlokehe teng. Le jwale manganga a ja monga ona.
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate, ke yona mehlolo eo moradi a mphetetseng yona kajeno.
PALESA:(O mo kena hanong.) Eo taba ke e tseba hantle, empa jwale ho fihla moo le nna ke tenehang ke ho etswa nyatsi tjena. Ke batla hore le nna nke ke ikonke jwalo ka basadi ba bang, e seng ntho ena ya ho jella kgwebeleng jwalo ka leeba tjena, aubuti Thabang.
PALESA:(O opa diatla.) Basadi! ke eng eka ke hloletswe ha e le kajeno lee?
SEBOLELO: Le ne le nahana eka ke a bapala ha ke ne ke bolela hore aubuti Thabang o fapane le ho loka matsatsing ana. Tsena tseo a di entseng kwano e sa le dinyane, dikgolo ha a di ntsha.
MODISE: Ke tloha ke be ke o buretsa hlooho ena haeba o tlisa ho tella ha ka mona, moshemane!
SEBOLELO: Ka nnete aubuti Thabang ke mahodi a patile maeba ke hle ke o jwetse ha e ba ha o tsebe, Dikeledi. Ke re o kgopo le ho feta sekele eo motho! Ha o sa mo tsebe a ka o tshwarisa mmamphele ka sekotlo, wa sala mekgele e wetse ka mahlong.
MMASEBOLELO: Atjhe, nna ha ke kgolwe hore o sa ntse a tla theohela ka nako ena ho ya ka moo e leng kgale re mo letetse ka teng. (O arabela monyako.) Kena!
THABANG: Weso, ke tseba ntlhakemo ya hao ntlheng ena, empa ha jwale ke kopa hore o ke o sekehele sello sa ka tsebe hanyenyane feela. Ka nnete o tla utlwisisa hore ke kene tebetebeng ya dihele.
PALESA:O re mang ke leshodu, Sebolelo?
THABANG: Ha ke a ikemisetsa ho pheha kgang le wena ha jwale, empa ke se ke itse re tla boka ha di oroha. O a tswa, mme ha a qeta ho kena koloing, Palesa yena o sala a lla ha bohloko.
MOLEFI: Ako tlohele ho ntlodisa kgati tjena hle, monna. O tseba hantle hore nna le wena re diyathoteng-dibapile, mme ka mehla re ntshana se inong. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore o ka mpatela ditaba tlasa mabaka a sa utlwahaleng tjena.
THABANG: Ngwaneso, le hoja ke ikutlwa ke le mafolofolo tjena, empa ha ke bone ho hlokeha hore ke phetlele mohatla nku mashodu e sa le jwale, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ntsha mosi ka lengope. O a tseba le wena hore koma ha e ke e binwa hara motse. Jwale o batla o hlile o nqaka haholo ha o bolela hore ke o kumele mabinabine a pelo ya ka, empa le wena o tseba hantle hore pinyane ha e senye motse.
THABANG:(O mo kena hanong.) Le jwale ho tla re thusa. Na wena ha o bone tebetebeng eo o nkentseng ho yona?
MMATHABANG: Ke mantswe a ka ao, ntate.
THABANG:(Ka ho makala.) Athe ebile e re ama ka bobedi?
MMASEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Ngaka, o batla ho reng na jwale O tla mpolella hore ngwanaka o Tjhe bo! e seng ka Sebolelo wa ka. (Dikeledi le yena o a lla?
THABANG:(O kgathetse matla.) Atjhe, nna jwale ha ke sa tseba hore ke etse jwang ha o se o jele dipekere tjena ka nnete, hoba ha ke re ke a bua feela, o mpeha dipha. Ho molemo hore ke hle ke itholele, etswe maikutlo a ka a dula a qhelelwa thoko.
DIKELEDI: Ho lokile, batswadi, empa ke ne ke tla thaba hakaakang ha re ne re ka ya sepetlele mane ho ya mmona hore o ntse a eya jwang.
SEBOLELO: Ke se ke itse ho ka mpa ha didietsa le lehlokwa bo! ha ke no kgutlela morao.
SEBOLELO:(A le lesisitheho.) Jwale ha e le taba ya bohlokwa, hobaneng o ne o sa e tshohle maobane, o emela hore e be e be nako ee?
MABOKELLE: Jwale ke taba eo re tla e potang ka kae ee hoba nako ena kaofela re ne re hopola hore ntho di ba tsamaela hantle banyalani bana ba babedi. Jwale phalo e ema le lesemela ha o ntjwetsa hore Sebolelo o bolela hore monate ke ntho e siyo lapeng la hae.
SEBOLELO: Oho, ke a bona jwale. Na ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube moya ke hona ho nthata?
SEBOLELO: Atjhe, ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba. Nna ntho eo ke e hopolang ha jwale ke hore e qadile ho ba mahlonoko haholo hona hoseng tjena ha ke etla kwano sekolong.
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate.
MABOKELLE: Ha ke re mmao o se a boletse hore o ne o le siyo?
THABANG: Ha se hore ke hulanya maoto ka boomo, feela...
MABOKELLE: Iphumole meokgo hle, mofumahadi, o tlohelle ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena.
PALESA: Hantlentle ke ile ka ikopa ho ya bona ngaka...
THABANG: Atjhe, nna jwale o a nqaka, moratuwa hape. O re ke tla di tsebella kae taba tsa hao le ngaka, empa ke ne ke se teng le ho ba teng Ha ke re ke wena ya lokelang ho ntlhaba malotsana ka tse etsahetseng ho ena le hore ke sebedise kelello ya ka ka thata tjena?
MABOKELLE: Mokgwenyana o hlanohetse moradi O bolela jwang na jwale, mosadi?
SEBOLELO: (O mo kena hanong ka bohale.) Ke o inele matsoho metsing, ke o inele matsoho metsing! Ka mehla ha o lokela ho phethahatsa merero ya lelapa lena o dula o bolela hore o lebetse. Ho tloha moo tsela ya hao ke e lebang jwaleng. Ho hang ha ke tsebe hore o tla hle o iphe nako ya lelapa lena neng, mohlang ho itsweng, aubuti Thabang. O se o iphetotse moleleri wa motse ona jwalo ka ha eka o lehlanya. Kgetlo la pele ke ne ke hopola hore o mpa o lebatswa ke kgatello ya maikutlo ka lebaka la mosebetsi, empa jwale ke lemohile hore ha o sa kgathalla letho tabeng tsa lapa lena. Hona ha o bolela hore o a lebala ke eng sena se o lebatsang hakana, aubuti Thabang?
MMASEBOLELO: Hao, Sebolelo! wa fihla ka nako ee shwalane e se e tshwere, o bile o kgelelletse ha boima ke dithoto ekaba molato ke eng na, mosadi?
THABANG:E-e Palesa! na ke yona taba e ka o hlomolang hakaale eo Ho hang le nna ha ke sa tseba hore nka hlalosa jwang ha ho se ho le tjena. O tseba hantle hore maikutlo a ka a senyekgenyekge jwang ha ke nahana ka wena, mme le jwale ke bua ke lomahantse meno ha ke re ke a o rata?
THABANG: Pontsho ke ngwana wa ka, ke tla mo nka le rata kapa le sa rate. Ha ke no utlwa ka lona mona!
MABOKELLE: Se tatele moro nama e eso butswe le wena, mofumahadi. (Ho Dikeledi.) Tswela pele he, moradi!
DIKELEDI: Ka nnete ke taba tse nyarosang tsena, Sebolelo, mme le nna ke le tjena ke ne ke sa hopole hore ka le leng la matsatsi ditaba di tla be di hlekemane tjena. Ho hang Thabang o itheotse seriti le hoja e le motho ya hlomphehang tjena setjhabeng. Feela manyala ana ao a a entseng a hlile a mmehile ka moo thakadi di fatelang ka teng!
PALESA: Etswa ha ka mona pele ke o hlahisa kotsi, ntja towe!
MMATHABANG: Ha ke tsebe ke sa tla reng ha ho se ho le tjena, ntate.
SEBOLELO: Nke ke ka o jwetsa leshano hle, mme.
PALESA: Ee, le jwale ke itshepile.
MMATHABANG: Ho thata e le ka nnete ha ho le jwalo, ntate, mme ke sa boela ke tjho hore ke swabile nko ho feta molomo ke tsena tseo o mpolellang tsona ka Thabang. Ebile ha ho potang le jwale hore ba bokgotsing ba ke ke ba hlola ba re tshepa hape, etswe bona seo ba se batlang ke teke feela, e seng ntho tse ngata.
THABANG: Nke ke ka tsamaya mona pele o nneha ditshwanelo tsa ka tseo ke di tletseng kwano.
MMASEBOLELO: Le nna ho tloha kgale ke ntse ke sa mo utlwisise hantle moshanyana eo, empa ke ile ka ba ka tlameha ho mo hlompha hobane e ne e le mokgwenyana wa rona (Ngaka o boela a kgutlela ho bona hape.) Be! ke wena hape, ngaka. Ekaba ho ntse ho eya jwang na ka Sebolelo ka moo Na le se le qetile ho mo etsa oporeishene?
SEBOLELO: Empa, mme, ke sitwa ke pelo hore nka e bua hona jwale.
Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Lapeng ha Thabang.
DIKELEDI:(A hatella.) Na o tiisitse ha o re o tshwenngwa ke ntaramane feela?
MOLEFI:(O sisinya hlooho.) Hore ke a mo tseba kapa ha ke mo tsebe, leo ha se lona lebaka, feela nnete ke hore o fositse mokubetso kgetlong lena, Thabang.
MODISE: Tjhe, o tla nkinela matsoho metsing, mofumahadi. Ha ke iketse le nna ha o mpona ke le tjena, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, ke mpa ke ferekantswe haholo ke...
PALESA: Shuu! Motho a ba a utlwa hantle le ditsebeng mona. Ha o utlwe ke bolela hore o fihlile hantle ka nako eo ke neng ke o lebelletse ka yona, aubuti Thabang. Ka nnete o mopholosi wa bophelo ba ka bo neng bo solla thoteng tse tjheleng.
MMASEBOLELO: Sebolelo ngwanaka, nna ke o tshepisa hore ha o ka hlahelwa ke mathata hape ke tla hle ke e late letailana, mme ha jwale seo ke se kopang hape ke hore o kgutlele bohading ba hao. O swabise dira tsa lona, etswe ha o ka wa hlala Thabang o tla be o itshehisa ka thaka tsa hao feela, ngwanaka. Ha ke batle hore qabang ya ka le ba bohading ba hao e ebe yona sekgopi lenyalong la hao. Wena o tsamaya o...
PALESA: Ke tebetebe efe eo o buang ka yona?
E mabapi le Sebolelo, ntate.
Pono ya 4 Ke sepetlele mme boMmasebolelo ba dutse ka phaposing ya baeti. Ngaka e sebetsang Sebolelo e fihla ho bona ba sa ntse ba letile jwalo.
THABANG: Ke fositse mokubetso ha ke entse jwang na Molefi Ke eng eka o tla ntlela ka meleko tjee na monna?
SEBOLELO: (O mo kena hanong hape.) Ha ho na phoso ya letho mona. Ke a bona o ne o nahana ekare ke a swaswa maobane ha ke ne ke o bolella hore ke tlelwa ke mohopolo wa hore re qhelele moketjana ona thoko. Kgetlong lena ke bua ke sa tjhetjhelle morao hore ha ho sa na mokete wa letho mona, ke phetho ke tu! Ebile ha ho sa na letho leo ke tla boelang ke le tshohla le wena hape mabapi le taba ena.
SEBOLELO: Ka nnete le nna ke le tjena ha ke tsebe hore hobaneng a ne a rialo, hoba tsena tse tswileng tseleng o di bua feela ha a bo kgile ka dikgopo. Le jwale ke sa eme le monna mateneng hore ho nkang sebaka ke eng ka yena ha e le hantlentle matsatsing ana. Ke lekile ho batla sesosa, feela ke hlolehile ho se fumana.
MOLEFI:ke se ke itse le mohlang le o kgamang lerapo lena leo o ntseng o le loha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna, hoba ke leka ho o hlaba malotsana ha o batle ho mamela.
MMATHABANG: Le nna ke mantswe a ka ao, ngwanaka, mme ha ho letho leo nka le tshetlehang ho ya pele.
MABOKELLE:O etsa jwang na Sebolelo jwale, mosadi?
MODISE: Hei wena, moshemane towe, na o ntse o imametse hore o bua jwang le nna?
PALESA:(O a mo tlatsa.) Ha se moo he o kgonne ho fihlella tharollo qetellong. O ne o ntse o sitwa ke eng jwale?
THABANG:(O hoa Sebolelo a habile ho tswa monyako.) Sebolelo, o ka se tsamaye pele re qeta ho tshohla taba ena.
THABANG: Banna wee! Ekaba ke tla qetella ke entse jwang jwale ha ho le tjee! Atjhe, e-e, le wena o rata ditaba, monna! Ka nnete ke qala ho bona monna ya leleme le mokgababa jwalo ka wena tjena. Feela ha ho nang, e re ke mpe ke o tsholele tsona pele o ntja tala, etswe ke a bona hore o lenyoreng la tsona e le ka nnete.
Pono ya 2 Lapeng ha Mabokelle. Mabokelle le Mmasebolelo ba dutse ka phaposing ya ho phomola, mme ba sa dutse jwalo ho utlwahala ho kokota monyako.
THABANG: Wena, Sebolelo, ha ke tsebe hore ha motho a kopa tshwarelo ho bolelang ho wena. Ho hang ha ke utlwisise hore hobaneng o epolla masapo a kgale tjena, empa ke se ke ile ka kopa tshwarelo ha sekete.
MMATHABANG: Feela leha ho le jwalo, ntate, ho ne ho ka ba jwang ha re ne re ka ra bitsetsa Thabang kwano lapeng hore re tshohle taba ena pele letsatsi le eya matubatsana Ke a tshepa hore ha re ka ra etsa jwalo re ka kgona ho fihlela tharollo phareleng ena. (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong Thabang o tena a le monyebe tjena ka lebaka la mathata a lelapa a ke keng a qojwa, a tshwanang le mekitlane ya thepa ekasitana le dinthwananthwana tse ding tsa ka lapeng?
PALESA: Le jwale ke ntse ke le mooki, feela eo ha se yona taba e ntlisitseng kwano hakaalo, aubuti Thabang. (Ho Molefi) Be! aubuti, o tla ntshwarela hle ka ho ala leleme phate tjena ha ke lokela ho o dumedisa. Dumela hle!
SEBOLELO: Ho feela ho le jwalo, ngwaneso, ke yona tabataba eo ke reng ha e a nkgotsofatsa hohang eno. Hoseng hona pele ke etla kwano mosebetsing ke ile ka fapohela kantorong ya mosebeletsing wa setjhaba hore ake a ntlhahe thuso hore ha ho le mahleke tjena ke sebetse ditaba jwang.
MABOKELLE: Tjhe, e seng jwalo hle, mofumahadi. Nna ke mpa ke nyatsana le ho ikwahlahela dintho tse siyo hona ha hao, etswe ha se tsona tseo re di tletseng kwano. Re tletse ho tla tshehetsa Sebolelo mahlabeng ao a leng ho ona.
DIKELEDI:O bolela hore o ne o batla hore a o eletse ka kgang ena ya ho hlala Thabang?
MOLEFI: Tjhe, le teng ke maikutlo a hao ao, moshaneso, etswe mowakgotla ha a tsekiswe. (O a ema.) E re ke lebe ka mane ka lebenkeleng ke bone hore ke beta poho jwang ka ha mabota le ona a ikitlaheditse ha e le kajeno lena. (O a tswa.
MABOKELLE: Mmao o se a buile mantswe a ka, Sebolelo, mme le nna ke mo tjhaella monwana hore ha ho na ka moo re ka ra o qhallang matsoho ka teng ha o hloka thuso ya rona.
PALESA: (O mo kena hanong.) Ke butle hanyane ya eng jwale Ha ke re le wena o ne o ntlatseditse marata jwalo ka ha eka ke lehlanya maobanyana moo ha ke ne ke ile ho wena lebenkeleng mane Na o ne o lebelletse hore ke tla ikutlwa monate ke tsela eo o neng o ntshwere ka yona ha ke ne ke tlile ho wena Hona o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang ha o mpolella sefahlamahlo hore ngwana eo ke mo lebelletseng ha o mmatle?
MMASEBOLELO: Bua feela hle, mosadi.
SEBOLELO: Mme, ha ke re ke hlalositse hantle maobane hore ha lena la kajeno le tjhaba ke tla be ke phutha mehaswana ya ka le Pontsho re ilo ipatlela bodulo moo re tla phelang ha monate teng, etswe lapeng mona ho powaneng hore ha re a amoheleha hohang.
O ile a ithuta hape tsamaiso ya dikantoro (Office Administration) ka ngollano. Ha jwale Letshaba o ithuta ka ngollano le Yunivesithi ya Afrika Borwa moo a etsang mokgwepha wa lengolo la dikgokahano (BA in Communications).
THABANG: Eng Ho hlalana?
PALESA: Atjhe, e tjena ntho nke ke ka e emela le kgale. Haholo ha ke qholotswa tjee. (O leba rakeng mme o ntsha thipa e mona e keng e sebediswe selakgeng.) Ha ke kgolwe hore o sa tla e phetha ntho ena eo o ntseng o nketsa yona.
PALESA:(Ka bohale.) Hei wena, mmamenotwana towe, o se ke wa ba wa leka wa ntena e sa le hoseng tjena! Ke a tloha ke be ke o tlola hodimo hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi. Mona ke ha ka, seeta ho lla sa ka.
PALESA: Ke taba tse monate, moratuwa.
THABANG: Sebolelo, ke a o rapela hle, moratuwa.
SEBOLELO: Ngwana o etsa jwang jwale?
PALESA: Tjhe, ha ho kgang le hona moo, ngwaneso. Re se re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang eo mantswe a hae a ke keng a wela fatshe.
THABANG: Ema hanyane feela, nke ke ka o senyetsa nako.
DIKELEDI: Le nna, batswadi, ha ke bone ho hlokeha hore le phehe kgang mona, etswe le baditjhaba ba kwano ba tla le bona mafolomabe, ba tla tseba le tseo ba neng ba sa lokela ho di tseba.
MOLEFI: Ho bolela hore o hulanya maoto ka boomo mosebetsing wa hao?
THABANG: Ke se ke itshwetse mokgubu ka mathe he.
SEBOLELO: Se ka ntlhasela ka dipotso tjena le wena Dikeledi, ha ke re ke a tla ntlheng eo.
DIKELEDI: Le jwale o a mpelaetsa, Sebolelo. Na Thabang o ntse a o tshwere hantle haesale ho ba le qhelele moketjana wa lona thoko?
SEBOLELO: Le nna ke tabatabelo ya ka ho bona Pontsho a ena le bokamoso bo tjhabileng, mme hono ho ka phethahala ha feela nna le aubuti Thabang re ka ra iketsa marematlou ho ka hlola mathata a rona. (O sheba tshupanako.) Atjhe, Dikeledi, ho molemo hore re tswe ka makgoro, hoba ke mona le nako e se e re eme maqothe.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ke a nkuwa ke pelo ya letho mona. Ke wena ya dulang a senya kgotso lapeng lena, mme ha ke re ke a bua feela o tla be o bolela hore ke nkuwa ke pelo. Ha ebe o batla hore re tswele pele ka moketjana ona wa rona, o tla lokela ho itshwara jwalo ka ntate wa lelapa e seng moshanyana. Ebile o ke o tlohelle le ntho ena ya ho tsekela le hara mafifi jwalo ka setsetse tjena. Ho seng jwalo e mong le e mong o tla inkela tsela ya hae ke hle ke o jwetse.
MABOKELLE: Ke tjhaella taba ya hao monwana, mofumahadi, o ka hla wa ntsholela hanghang o re Sebolelo a re mathata ke eng hantlentle pakeng tsa hae le Thabang.
THABANG: Weso, ha jwale ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke tsosa dibata masene ha nka ka tatela ho tshola moro, nama e eso butswe le ho butswa. Ke a tseba hore e ke ke ya eba ketso e bonolo ho etsa jwalo, empa he ke tla itiisa pelo jwalo ka monna hore ke pheme bothata bona.
MMASEBOLELO: Feela, ntate, nna ntho eo ke e labalabelang ha jwale ke ho bona ngwana wa ka hore o jwang. Hohang ke batla ke tshwenyehile hampe moyeng ke maemo a hae a bophelo, etswe hoja e ne e se ka rona a ka be a sa wela molekong ona wa dihele.
THABANG: Feela moratuwa...
DIKELEDI:E-e, mosadi, o a be o batla ho bua dife jwale?
MOLEFI: Ako tswe ka taba hle, monna, o ko tlohele ho inanatha tjena ha o lokela ho tswa puo! (Ka ho teneha.) Tjhe, le teng ha e ba o hlile o lomahantse meno e le ka nnete hore ha o no ntjwetsa ditaba, le teng ha ho molato, feela ke re le mohlang mathata a o hlwang setha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna ka ha o se o ikentse yona pudumo ya moemanosi.
SEBOLELO: (Ka ho tshoha.) Jo! o ntshetsa nna thipa, Palesa?
MABOKELLE: Tjhe, ano ke maikutlo a hao, mme nke ka pheha kgang le wena ha ho le jwalo. Ke tseba hantle hore mokgwa hao o rata ho opisa batho dihlooho ebile ha o kgotsofale pele sefefo se tsukutla lapa lena. Hona jwale re bua ka bothata ba Sebolelo, o se o etswa lekoteng o bolela ka moo Modise a nkgang lefotha ka teng.
PALESA: Tjhe, ha se hore ha ke o tshepe, aubuti Thabang, feela ke mpa ke ngongorehiswa ke hore taba ena ya rona e tla qhoba tjena ho fihlela neng, hoba ke a tseba hore banna ba bangata ba nyetseng ke mampetje, ba rata ho kweneha feela. Jwale he le nna ke ne ke batla ho tseba hore ke eme hokae hara lehesheheshe lena hore ka moso ke se iphumane ke llela metsotso.
SEBOLELO: Ke mpa ke etswa ke ona mathata a lelapa la ka.
SEBOLELO: Ha ke re ke wena maobanyana moo ya neng a bolela hore aubuti Thabang o a tella, mme o tshwanetse ho rutwa molao Empa kajeno ke a makala ha e le mona o se o fetohile ha ba bohading ba ka ba fihla kwano?
THABANG: Mme, ha ke a tlela masawana kwano, feela seo ke se kopang ho wena jwalo ka motswadi ke hore nke ke itshebe hanyenyane feela le Sebolelo, mme ha ke qeta ke tla itsamaela ka kgotso. Ke a tshepa hore e ke ke ya eba kgang e telele etswe batswadi ba ka ba se ba ile ba hlalosa ho feta ka moo nka ka alang leleme phate ka teng.
THABANG: Se bue jwalo hle, Sebolelo.
MABOKELLE:O ya kae na jwale, Sebolelo Ha ke re o a tseba hore re lokela ho phura leshetla pele?
THABANG:(Ka bohale.) O a e bona he ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ya ho nqobella hore ke o qoqele ditaba ha o qeta o be o tlilo nqosa jwalo ka ha eka ke motshwaruwa! Ke ile ka o jwetsa di sa thakgoha feela hore taba tsena di ka thabisa pelo ya ka, mme tsa se dule tsa ba bang hantle. Ho fetafeta moo ke wena ya nkentseng kgotjheletsaneng hore ke o tsholele mabinabine a pelo ya ka. Ebile ho ka ba molemo haholo ha re ka ra etsa taba ena mohatla kgwiti pele e nka mothinya osele.
MMASEBOLELO: Joweee!! E seng ka Sebolelo wa ka! O se kgitla le ho feta, mme Dikeledi le yena a se kapa. Mabokelle le Ngaka ba leka ho ba thodisa, mme ho kena le baoki ba bang ho tla ba thusa.
THABANG: Taba ena e bohlokwa haholo hle, mosadi. Iketle hanyane feela ke o kumele yona.
MODISE: Monna, hore ba o lokollela ngwana kapa ha ba o lokollele yena, ha se taba e ntlhokang eno, etswe manganga a ja monga ona. Le yena ngwanana eo o mo sentseng o se o tla hela o itlamela hore o rarolla bothata ba teng jwang. Le jwale nke ke ka phetsa hore o mphoqile ho mphoqa, mora wa ka, le hoja ke ne ke lebelletse tse kgolo ho wena mona.
MOLEFI: Feela leha ho le jwalo, weso, motho ke motho ka batho ba bang, mme ha ho na ka moo o ka iphapanyetsang bona ka teng leha o ka ba wa rata. Ho fetafeta moo ha se batho kaofela ba pelo di mpe, ho ntse ho le teng ba pelo di jehang, ba kgonang ho hlaba mahofi ha motho a entse hantle. Jwale he ke batla ke ema hlooho ha o bolela hore o tla ithwesa kgaebane ka bowena. Ke a bona o a lebala hore monna o tentshwa tsheha ke banna ba bang.
DIKELEDI:E-e, Sebolelo, o bolela jwang na jwale ha o rialo, mosadi Haesale o ntse o se mahlong ho tloha ha o ne o fihla hoseng hona, mme le nna jwale ke qala ho ngongoreha ke wena. Hohang ha ke o tsebe o le motho ya tjena. Ke bolela le bona basebetsimmoho le rona kwano Rehauhetswe ba ka ntjhaella monwana hore ntho e kgolo e o thefutseng maikutlo ha e le kajeno lena?
Ke hona mona Rammolotsi moo Letshaba a holetseng teng, mme a ba a ithuta ho ngola mefuta e fapafapaneng ya dibuka.
DIKELEDI:(Ka pelaelo.) Jwale o re ntaramane ee ya hao e qadile ho o tshwenya neng na, mosadi Hona ke eng nako ee kaofela o ntse o sa ye ngakeng, o e tlohella hore e be e o jesetse kgwebeleng tjee?
MMATHABANG: Moo teng ha ke bone ho ena le bothata, ntate, hoba ke seo ba boneng se tla ba tswela molemo. Ebile ke tlwaelo matsatsing ana hore banyalani ba etse meketjana e tshwanang le ena ho ka tsoselletsa mofuthu wa lerato lenyalong la bona. Ha re a lokela ho ba kgahlanong le moketjana ona, feela re lokela ho etsa bonnete ba hore leha dintho tsohle di ka etswa, mekitlane yona e lefuwe ka ho panya ha leihlo.
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re o phetse hantle athe o dula o hlomohile, le maikutlo a hao a dula a sosobane ka mehla?
MMASEBOLELO: Nna, ngwanaka, ke bona ekare monna enwa wa hao ha a tshabe batho ka nnete, mme ke sa lomahanya meno le jwale hore o lokelwa ke ho rutwa molao pele a ka a etsa manyala a fetang ana ao a a entseng. Hohang ke re o nkgitlile dibete moshemane eo. Mokgwa hae o rata ho phokwa jwalo ka tshintshi. Maobanyana mona le tenne le qhelela thoko moketjana wa lona ka lebaka la hae, mme ho ena le hore a itshwele mokgubu bakeng sa tseo, ke enwa o se a qala tse ding hape. Ho bolela hore ha a ikemisetsa ho baka mekgweng ena ya hae e ditshila.
SEBOLELO: (Ka ho phoqa.) Ha ebe ha ke e kgine teng ho tla etsahalang he, Goliathe?
THABANG: Sebolelo moratuwa, pele o tsamaya ho sa na le tabanyana e nngwe eo ke batlang hore re ke re e tshohle hona jwale.
Pono ya 3 Ba dula fatshe, mme Sebolelo o bonahala a maketse haholo.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong.) Ha eba ke nnete o a nthata, o tshwanetse o be o se o utlwisisa hore ke bua ka eng, aubuti Thabang.
DIKELEDI: Empa nna ha ke dumellane le wena hore ho hlala Thabang, kapa ho lwantsha Palesa e tla ba tharollo ya mathata ana a le tjametseng. Hona ha o hlala Thabang tjena o re Pontsho a hole jwang ka ntle ho lerato la ntatae?
MABOKELLE: Mmasebolelo, le re ngaka a bue jwang jwale ha le dulellane le ho mo qhobella majwe hanong tjee Ke kopa hore le ke le mo nehe sebaka hanyane feela hore a tle a tsebe ho hlalosa seo a tlileng ka sona kwano?
THABANG: Ha e hate ka maro bo letona!
THABANG: Nkutlwele bohloko hle Sebolelo.
MMASEBOLELO: Nna ke ne hopola hore re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono hore ba hle ba bone le bona hore re se re kgenne e le ka nnete . ..
MMATHABANG: Butle bo! ntate, ka ho ja dipekere tjena. Nna ke bona ho hlokeha hore re mamele seo mora a batlang ho se bua hoba ke moo o se a boletse hore o a itshola ka sena seo a se entseng.
MMASEBOLELO: Bua hle, mmanyeo, o tlohelle ho tjha ntshi tjena. O re ho etsahalang hantlentle Na o boetse o mathakaka majwaleng bosiu eo monna wa hao?
MMASEBOLELO: Tjhe, le jwale ngwana enwa wa bona ba lokela hore ba ke ba mo rute molao hanyenyane feela. Ho hang rona ha ho na ka moo re ka amohelang manyala a tjena ka teng. Haholo ha ba eso qete le ho lefa tjhelete ya bohadi!
MMASEBOLELO: Ha ke re jwale ke ne ke batla ho o lemosa pele ka moo mokgwenyana enwa wa rona a tebileng le ho feta kweetsa ka teng, le hore o tsebe hore mekgwa ena ya hae e ditshila o tswa e thonaka hokae.
THABANG: Wena o ne o re ke etse jwang na ha ho le tjee Ke itatole lona lesea leo Hona ha Sebolelo a ka a tseba taba ena teng ke tla e hlanaka jwang?
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ke tsebe! Ke itse ho wena o bue ka pele, o tswe o hata kosene pele ke feroha dibete ho feta mona.
SEBOLELO: Ho molemo hakaakang ha e le wena ya buang jwalo, etswe di qadilwe ke wena ka sebele. (O sheba nako.) Ke a itahla jwale hoba le nako ke ena e se e nkeme maqothe, mme hape ke lokela ho fapohela ha mme Mmamojabeng ho ya siya Pontsho.
THABANG: Ke itse ha ke a tlela ntwa...
MOLEFI: Ka nnete o hlabisa dihlong, monna Thabang. Hona jwale tjena le tla be le keteka dilemo tse pedi le nyalane wena le Sebolelo, empa ka hlakoreng le leng o se o ntse o qalella ho iketsa phiri ka hara tlalo la nkwe ho molekane wa hao.
Pono ya 3 Lapeng ha Modise, mme o dutse le Mmathabang.
THABANG: Le jwale ke sa ntse ke tlalletswe ke thota, hohang ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae ha ho le tjena.
MOLEFI: Ke o rohaka ha ke itseng na?
MODISE: Ka tsela e jwalo o bona e tla be e le ntho e nepahetseng ha re ka ra kenya Thabang kgotjheletsaneng hore a be a lefe molato oo?
SEBOLELO: Empa lona ka ho le leng le sa ikeme le bolela hore ke boelane le aubuti Thabang. Bona hona jwale o le siya mekgele e wetse ka mahlong.
SEBOLELO: Feela, mme, o motho ya makatsang e le ka nnete.
MMASEBOLELO: Le nna, ntate, ke mo rolela kgaebane e le ka nnete ntate Makgwathi ho ya ka moo a leng mafolofolo ka teng ho tloha ha a ne a thonngwa hore e ebe hlooho ya sekolo sena sa Rehauhetswe.
SEBOLELO: Ke tshwanetse hore ke o honothele ka ha ke tsona tse entseng hore maemo ka lapeng ka mona a be a qetelle a se a sa jese ditheohelang tjena. Ke ka hoo ke reng ha ho na hore nka tlodisa diphoso mahlo hodimo empa ke ntse ke di bona. Le jwale ke sa tjho bo! setsweng ke hole! O ka mpa wa ilo wela matjoing kwana ha eba ho kgoneha!
MODISE: Ha ho le jwalo ke eng a sa tle kwano lapeng a tlo re bolella hore ho nkang sebaka ke eng, ho ena le hore a thole feela tjena Hona jwale ha se lebitso la hae le tla hohobanngwa seretseng, ke rona ba tla bang ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ha ke bone ka moo molato ona o neng o ka wa mo palla ka teng ha a ne a ka o lefa hanyane ka hanyane. O a tseba le wena hore mekgwa e mengata ya ho bolaya katse?
MMASEBOLELO: Le nna, ntate, ha ke tsebe hore nka hlalosa tshwabo ena ya ka jwang ha e le mona bana ba rona ba re ntsha mejo hanong tjena. Empa le teng ha ho letho leo re lokelang ho le etsa ha ho se ho le tjena, hoba ho ya ka Sebolelo ba bone ena e le yona qeto ya bohlokwa maphelong a bona.
THABANG: Ha ke tsebe hore ke qale kae jwale.
MOLEFI: Tjhe, ka nnete ke swabile nko ho feta molomo hore le wena o be o kene mekgatlong ena ya banna ba sotlang basadi ba bona. Feela ha ho nang, di a bela di a hlweba, madiba ho psha a matala! Leha ho le jwalo ke sa boela ke o hlaba malotsana hore o tla oka seso ka makgapha ha o ka nna wa tswela pele ka mekgwanyana ena ya hao e ditshila, ya ho bapala ka basadi jwalo ka ha eka o raha bolo. Le bona ka le leng la matsatsi ba tla busetsa molamu sefateng, mme o tla tshola tlhako morong o qatile mohatla, kobo di fokaela sebaeng.
THABANG: Phoso e tsamaya le mohatisi hle, moratuwa...
THABANG: Ho hang kgomo e kentse leoto ka kgamelong.
THABANG: Ha ho thuse letho hore o nkgobe ka mantswe tjena, Palesa, hodima o tseba hantle se maikutlong a ka. Ebile taba ya ho hlala Sebolelo yona e ke ke ya eba tharollo jwalo ka ha o nahana, feela e tlilo re hlabisa dihlong hohle moo re yang teng. Jwale ho ka ba molemo haholo ha o ka tlohella ho ipolaisa pelo ka ntho tse siyo tjena, hobane moo lerato le leng teng ke se ke ile ka hlalosa hore tshabo ha e yo.
MMASEBOLELO:O qadile dife hape jwale, mosadi?
THABANG: He banna! ke eng eka o bua o itshepile tjee na, mosadi?
MMASEBOLELO: Re a thaba ha ho le jwalo, ngwanaka, mme ke tshepa hore le monongwaha le tla hle le sebetse ka thata ho etsa bonnete ba hore sekolo sa lona se ntsha diphetho tse ntle jwalo ka tsa ngwahola.
DIKELEDI: Tjhe, mme Mmasebolelo, ha o a lokela ho ikwahlaya tjena. Lona le ne le etsa seo le boneng se le molemo bakeng sa Sebolelo ekasitana le moradinyana wa hae, Pontsho.
THABANG: Ekaba ntate o bua ka eng jwale?
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Thola! Ha ke a re ke batla ho utlwa puonyana tsa hao tse nkgang mona. Ke a bona o nahana hore ke tla tholela manyofonyofo ana a hao, moshemane towe! Mona teng ke ha ka, mme seeta ho lla sa ka ke le mong feela. Ha eba o nahana hore o tla tlisa bokakonyana bona boo o tlwaetseng ho bo etsa ha hao mane, o hle o lebale ho tu! ka bona ha ka mona. Ho seng jwalo o tla tswa mona o sa hetle le ka morao, moshemane.
MMATHABANG: (Ka ho makala.) Butle bo! ntate, o tswa di kga kae na tseo jwale?
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) O a tseba bokaakonyana bona ba hao ke bona bo nkentseng hara tebetebe ena eo ke leng hara yona. Wena pelo ena ya hao e tshweu ke sena seo o se entseng mme ha o kgone le ho bona mahlomola ao ke leng ho ona. (O mo tiisetsa sefahleho.) Hantlentle o ne o nahanneng ha o tla etsa see seo o se entseng?
SEBOLELO: Ke ka hoo ke reng ke batla ho bontsha Palesa hore nna ke mang ha eba ke yona ntho eo a tlwaetseng ho e etsa ya ho mathakaka le banna ba batho! Ho nna mona tlapa le tlilo thella ka Raboshabane!
E le hore a re lebakabaka ke eng ha e le hantlentle jwale, mosadi?
MABOKELLE: Ee, o opile kgomo lenaka moo, empa wena o ipolaisa pelo le ka dintho tseo o sa lokelang ho di ngongorehela. Hona jwale o ikeme ka leshome le se nang motso hore ke molato wa rona hore ebe Sebolelo o mona. Ka ho le leng o ngangella ntlheng ya hore dingaka di re etsetsa lonya ha di hlalosa hore di sa ntse di le maphathephathe ka Sebolelo.
SEBOLELO: Bona mona, Palesa, nna ha ke bana bao o tlwaetseng ho ba hlorisa. Ke a bona hore o nahana hore ke sephoqo hoo ke neng nke ke ka tseba ba ntjang direthe. Hommeng he leshodu ke le tshwerweng ha e le kajeno lena.
O hopole le wena hore kelello ya ka ha e sa le tjhatsi hore e ka tshwarella ntho tse ngata tjena ka ha e sebetsa le ho feta ka moo e tshwanetseng ka teng. Jwale wena o be o nahana ekare ke a iketsisa ha ke kopa thuso ho wena. Tjhe, le teng ha ho kgang, botsofadi bo jesa molala wa poho.
THABANG: Jwale ho tla jwang hore o be o le kwano ka nako ee?
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore o batla ke o hlalosetse ntho e le nngwe hakae hore ha ho na Pontsho eo ke tla o lokollelang yena mona.
MMASEBOLELO: Sebolelo a re o se a makatswa ke ho bona hape eo molekane wa hae a etla lapeng a se a hlahlile mahlo, a rohakana ka tlhapa tsa mafatshe a sale hole kwana. Ho tloha moo o tla fihla a nkga a re phu! ke letsina.
PALESA: Ntswele ka ntlo, moleko towe, pele ke o bitsetsa mapolesa.
MMATHABANG: Tjhe, ka nnete bona ke bo bong bofokodi boo re bo bontshwang ke mora enwa wa rona, empa a hodile a le mokana. Ke nnete e tswileng matsoho hore ha a ena le mathata o tshwanetse hore a qale ka ho bolela kwano lapeng pele, feela yena ha ho bonahale e le tseo a di natsang tseo kaofela.
MMASEBOLELO: Na ba ka hla ba hlolwa ke mokitlane o mokananyana feela, empa ho se ho bile ho kodumetse lemo tse pedi kaofela Ebile ha se boikarabelo ba boSebolelo hakaalo hore ebe mokitlane ona o be o ntse o salletse morao le ho fihlela lena le hodimo. Batswadi ba Thabang ke bona ba molato. Ke na le tumelo e feletseng hore Modise ke yena ya sataladitseng molala ho ka lefa mokitlane ona. Ke mo hloile hampe monnamoholo eno ya tedu tse putswa tse kang ntja e momme sekatana. Hoja a ne a le siyo ho ka be ho rena kgotso pakeng tsa malapa ana a mabedi. Jwale boteng ba hae ke bona bo ntseng bo nyopisa merero le ho feta tjena?
MMASEBOLELO:A-e bo basadi! ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo.
THABANG: Feela mona teng ke tla be ke iphasa ka lerapo molaleng ka nnete.
SEBOLELO: Oho! kajeno o se o itatola tseo o di entseng. Le teng ha ho kgang, nke ke ka pheha kgang le wena ha jwale hoba kgang ya rona e tla kgaolwa ke letlaka haufinyane. Ho fetafeta moo haeba o tiisitse hore o batla ho lokollelwa ngwana, o tla lokela ho tekela lekgotla la dinyewe bopaki bono, e seng nna.
MABOKELLE:O a tseba taba ena ya hao le bomokgotsi e bonahala e ntse e nka mothinya osele letsatsi le tjhabang le le dikelang. Ha o batle ho mamela le ha ke re ke a o kgalema, mme hono ho bontsha hantle hore ntho e kgolo eoo ikemiseditseng yona.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Eo ha se yona nnete, mme le wena o tseba hantle.
SEBOLELO: Ka nnete bophelo bo thata, mme.
SEBOLELO:(O phahamisa matshwafo.) Ke taba dife tsona tseo na, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Ke tloha ke o kwala mahlo ana hona jwale tjena!
THABANG: Jwale ngaka e phahlile pinyane efe na, mmannyeo?
MOLEFI: Tjhe, ke maswabi haholo, monna, hoba le nna ke le tjena ha ho letho leo nka le etsang, etswe ke kgale ke o kgalema hore o itshole tabeng tse hole le wena, yaba o ikwala ditsebe ka leshoma. Ako bone feela sekgobo seo o itjarisitseng sona hona jwale ka lebaka la manganga ana a hao.
PALESA: Ako tlohelle ho iketsa ngwana tjena, aubuti Thabang. O moholo ha o le mokana, o tshwanetse ebe o lemohile phetoho ena e ho nna.
MABOKELLE: Hela, Mmasebolelo, ana le re moketjana wa boSebolelo wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane o ilo ba neng na, mosadi?
SEBOLELO:O tletse eng he Bua ka pele etswe ke maoto ke oka ditlhabela ha o mpona ke le tjena?
MMASEBOLELO: Ha ke re nna ke beha ditaba ho ya ka moo ke bonang ka teng, ntate. Jwale wena bothata ba hao ke hore ha o rate ha ke ntsha maikutlo a ka.
MABOKELLE: Ke a mo tseba Makgwathi hore mokgwa hae ha se potele e kgwathwang ka lehlaka. Ka mehla o dula a le sehlahlo mosebetsing wa hae, mme o rata le hore barutwana ba hae ba tsamaye mehlaleng ya hae hore ba tle ba tsebe ho atleha bophelong.
SEBOLELO:E ka nna ya ba ho jwalo, Dikeledi, feela ke batla ke ena le kgwaonyana tabeng ena. Aubuti Thabang o nnetefaleditse hore o tla fihla ka nako kwano, mme a ntshepisa hore o tla fapohela kwano hore re ye toropong mmoho. Feela ke mona ho se ho bile ho fetile dihora tse pedi kaofela a eso bonahale le ho bonahala. Ebe ke tla qetella ke entse jwang na ha ho le tjee, hoba le meriti le yona e se e ntse e hlahlamela dithaba?
MMASEBOLELO: Le wena, ntate, o sefelapelwana, o tatela ditaba jwalo ka ha eka di a baleha o sa batle le ho mamela motho ha a bua.
SEBOLELO: Ke ile ho mosebeletsi wa setjhaba ka maikemisetso a ho hlala Thabang, empa jwale mantswe a hae mosadi eo a ile a etsa hore ke hopole lerato le mofuthu le ileng la nkopanya le yena le pele re nyalana. Ka tsela e jwalo o nkgothaletsa hore ke se ke ka mo hlala, ke mpe ke mo tshwarele hore re lebale ka tse fetileng.
THABANG: Ho feela ho le jwalo le ka nna, moratuwa, mme ke ka hoo nke keng ka phetsa hore ho wena ke a o rata. Ke o rata ke tiile Palesa, wena mohaladitwe wa pelo ya ka. (O sheba Palesa ka mahlong, mme Palesa yena a diha mahlo.) Ako ntjhebe ka mahlong hle, Palesa, mme o re ho nna o a nthata. Mohlomong pelo ya ka e tla phutholoha hanyane ha o ka rialo.
DIKELEDI:E-e bo! mosadi, ke mehlolo ntho tsena tseo ke di utlwang kaofela. O bolela jwang ha o re Thabang o o tshositse ka hore o tlilo le fenetha?
PALESA:(O mo kena hanong hape.) Ke o kgathatsa matla a ntho nngwe na, athe ke bua nnete (Ka ho phoqa.) Oo, be! o tla nkinela matsoho metsing ha ho le jwalo. Ha ke a tseba hore haeno nnete ke ntho e sa ratweng. Ha ke re jwale ho thwe lona batho ba botjholotjholo nnete e le babela jwalo ka leshokgwa, ebile le rata ha taba tsa lona di dula di etswa pinyane?
THABANG: Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore batho ha ba bone ditaba ka ho tshwana. E re nke ke o tehele mohlalanyana o mosesane. (O kgutsa motsotswana.) Ha se batho kaofela ba ratang papadi ya bolo ya maoto le hoja e le papadi e tlotlwang ka ho fetisisa lefatshe ka bophara. Ba bang ba e bona e le papadi e tswileng tseleng, ebileng e se na mosola. Eke! ho feela ho le jwalo le ka sena seo ke o jwetsang sona, monna. Ho hang re ke ke ra utlwisisa ditaba ka ho tshwana leha re ka ra rata bo!
THABANG: Tjhe, ha ke a tlela ho tla o rerela, Sebolelo. Nna ke batla hore o dule o tseba hore ke ntse ke o rata leha feela ho bonahala eka o se o lahlehetswe ke tshepo ho nna ka mora seo ke se entseng. Feela ha ke no ema kgahlano le maikutlo a hao leha o ka wa ntlhala etswe ke kgale ke kopa tshwarelo ho wena o sa batle ho utlwisisa. Leha ho le jwalo ntho e nngwe to! ka monwana eo nka thabang haholo ha o ka nketsetsa yona.
PALESA: Sebolelo, ha ke na taba le sehole seo sa hao sa monna, empa ha e le ngwana yena o tla mo lefella tjhelete ya phepo hore ha ho le tjena a be a re habore! a sa e lema. Nna ke Palesa, moradi wa Lebajwa.
THABANG: (A le mong.) Banna! ka nnete ke qala ho bona mosadi ya hlooho e thata tjena. Ke hore o lomahantse meno hore ha ho na moketjana o tla hlola o ketekwa Ebe banna ke tla qetella ke entse jwang na ha taba di se di le mafekefeke tjee Hona ha batswadi ba rona ba ka utlwela ka maemo a ditaba a ntseng a rena kwano ba tla nkuka ke le motho ya jwang Tjhe, leha ho le jwalo ha ho hlokehe hore ke ngongorehe ka ha ke ngwana monna, bitla la ka le ka thoko ho tsela?
THABANG: Tjhe, ha ho nang he leha ho le jwalo, feela ke tla e hlanaka senna jwang kapa jwang, mme nka thaba ha feela Sebolelo a ka utlwisisa hore phoso yona ka mehla e tsamaya le mohatisi.
SEBOLELO: Se hlole le ituba maikutlo hape, batswadi ba ka. (O ba sheba nako e telele, mme eka o hopola ho hong.) Ho sa na le moo ke batlang hore kgalo le teng pele ke menahana le mehlala.
MMASEBOLELO: O ne o batla ke etse jwang athe Ha ke re ke bona batswadi ba hae ka sebele ba ntseng ba kgothaletsa mekgwa ena e ditshila..?
SEBOLELO: Ha ke na taba le batho, mme, ke kgathalla bophelo ba ka ho feta eng kapa eng. Ebile wena le ntate le bua ha monate jwalo ka ha eka ha le na maikutlo, le jwale ke hona ke kgolwang hore ha le na taba le bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyebella hara bona. Ho hoholo ho lona mona ke ho kgahlisa baditjhaba ka bophelo ba ka. (O kgutsa motsotswana.) Le teng ke a makala hore hobaneng, mme, e le yena ya nkgothaletsang hore ke boelane le aubuti Thabang, empa e ne e le yena ya neng a mo halala le pele re ne re ka ra nyalana.
PALESA: Ho lokile, etsa ka moo o ratang ka teng hoba o senatla ha ke re?
MOLEFI: (Ka bohale.) Ha ke na taba le tumedisonyana eo ya hao, monna.
PALESA: Ee, le jwale, aubuti Thabang, matshwenyeho ohle a neng a hlwele pelo ya ka setha a fedile, mme ha ke kgolwe hore moya wa ka o sa ntse o tla hlora hape, etswe o se o le karolo ya bophelo ba ka. O a tseba le bosiu ke se ke dula ke touta ka wena feela hore o tla tla neng o tlilo ntlhwela hore ke ntse ke isaisa jwang.
THABANG: Ho lokile, le teng ha ho kgang.
MABOKELLE: Ho lokile o ka nna wa dula ka kgang, feela ke a tla ho wena hona jwale tjena. (O a tswa, mme kapelepele o kgutla a se a jere molamu.) Ha ke kgolwe hore kgetlong lena o tla bua ditsiebadimo tsena tseo o ntseng o di bua hona jwale tjena.
Ke lebohe hape mme ya ntswalang, Mmateboho, ka ho mpontsha tsela e nepahetseng leha ke ne ke fapoha. Nka lebala jwang kgaitsedi tsa ka, Masesi le Moza, ka tshehetso eo. ba mphileng yona ho tloha mohlang ke ne ke ba lemosa neo ena eo Ramasedi a ntlhonolofaditseng ka yona.
SEBOLELO: Ke se ke itse o ka ba wa ya moo o yang teng, ha e le ngwana yena lebala ka yena.
MMASEBOLELO: Mmate hle, ntate, se ka tsheha le ntja ena!
THABANG: Monna Molefi, o bonahala o hlahlathela hole le mehlala ya ka. Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ha ke entse hantle, ho se ke ha nna ha eba le maqulwaqulwana a batlang ho nketola, mme ha ke kgotjwa ba mphahamise hore ke hahamalle pele.
DIKELEDI: Ha ke hane hore o utlwile bohloko haholo ke sena seo ba o entseng sona, empa ha ke bone ho hlokeha hore o salasalane le taba ena ho ya pele. Ntho eo ke nahanang hore o ka e etsa ha jwale ke hore le dule fatshe le Thabang, le rarolle bothata bona, etswe ntwa yona e ke ke ya o tswela kgomo le kgale, haholo ha o batla ho e qholotsa ka moya wa boiphetetso, o tletseng dikaqa. Amohela feela hore se etsahetseng se etsahetse, ngwaneso.
SEBOLELO: Ke eng eka o bua o itshepile tjee?
MMASEBOLELO:O batla ho hlala?
SEBOLELO:(O a bokolla.) Nqenqenehele... hle! (A nyebella fatshe.) Itjhuu!! O nqetile, Palesa. Jowee! Ke tla thuswa ke mang bo (A leka ho itshireletsa.) Seo o nketseng sona se ke ke sa o putsa ka letho. (O kwala mahlo a ntse a tsetsela ke matetetso, haufi le yena ke phula ya madi feela?
MABOKELLE:(Ka bohale) Hei wena moshemane towe, ke masawana a eng ana ao o a tlisitseng kwano?
DIKELEDI: Nna jwale o a mmakatsa, Sebolelo, ha e le mona o ntse o sataladitse molala tjena le hoja mosebeletsi wa setjhaba a se a ile a o hlaba malotsana. Ka nnete ha o ka nna wa tswela pele ka tsela e tjena o tla iphumana o tsohetse leomeng jwalo ka ngwana wa mohanaajwetswa.
THABANG: Tjhe, ha se hore ke ne ke sa hlajwe ke dihlong, moreso, feela e kgotjwa e le maoto mane.
SEBOLELO:(O sheba tshupanako ya hae.) Basadi! ha ba ha otla nako ee empa aubuti Thabang a eso bonahale le ho bonahala tjee, ekaba molato ke eng na jwale hobane o tlameha ho tla ntata hore re lebe toropong mmoho ho ya reka dinthwananthwana tsa ka tlung ekasitana le diphahlo tseo re tla di aparang moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane Bona hona jwale e se ebile e le nako efe empa ha a eso bonahale le ho bonahala?
SEBOLELO: Leka feela o re o a mo nka o tle o bone tosa le madinyane a yona!
MMASEBOLELO: Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle.
MABOKELLE: Le jwale o batla hore re qhalle Sebolelo lenyalo, hoba ke mona o haketse hore re ilo batla tjhelete ka kgang, ka ho le leng o re re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono wa bona. (O kgutsa motsotswana.) Wena, mosadi, o shebile ditaba ka leihlo le leng. Re lokela ho neha boSebolelo nako ya ho itlhophisa hantle, e seng re tatele ntho tse pele tjena. O hopole hore ha ba ne ba nyalana ba ile ba ithekela ntlo ekasitana le koloi ya mabaibai, mme ntho tseo tsohle di ba qositse bokgothokgotho ba diranta.
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e, mosadi, re tlohella jwang taba ee empa o ne o re o a bua Ka mantswe a mang ke yona taba e ntseng e o ngongorehisitse tjena, mme jwale o bonahala o tjha ntshi ha o lokela ho bua?
DIKELEDI: Kgoba matshwafo...
THABANG: Eo potso nke ke ka e araba le kgale ka ha le wena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
SEBOLELO:(O a kena.) Letswalo le molato le a ikahlola haeba ha o tsebe, mosadi. O tseba hantle lebaka le ntlisitseng kwano.
PALESA:O makatswa ke eng hona moo jwale?
SEBOLELO:O bolela jwang jwale ha o rialo na, mosadi?
DIKELEDI:O re o ile a o jwetsa masaakokometse a reng na?
THABANG: Se ikopise hlooho ka ntho tsa mafeela tjena hle, Palesa. Sebolelo a ke ke a tseba sephiri sena sa rona. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho kgoba matshwafo, hoba moo lerato le leng teng tshabo ha e yo.
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) Na ke yona thero eo o e tletseng kwano, motho wa Modimo?
MMASEBOLELO: Ntate, ako bolaye ntja ena pele ke e etsa ha e phetwe.
SEBOLELO: Ho neng o kopa tshwarelo na, motho wa Modimo Hona o kopa tshwarelo ka mabaka afe jwale Ebile ke botshepehi bofe bona boo o bolelang hore o bo hlokile ho nna?
THABANG: Ke itse ha se hore ke itatola molato ona, feela ke leka ho o bontsha ka moo o leng sethoto ka teng, ka ho tatela ntho tse hole le wena tjena.
THABANG:(Ha Sebolelo a re o a tswa, yena o a mo thiba.) Pele o tsamaya, ke kopa hore re tshohle taba ena eo ke o emiseditseng yona pele.
DIKELEDI: Ha ke re ke ka hoo ke reng o kgobe matshwafo hanyane. Mohlomong re bua tjena o se a ntse a le tseleng e tlang kwano, etswe ke mona ha a eso letse le ho letsa.
NGAKA: Tjhe, e seng jwalo hle, mme. Ha ke re re le bolelletse hore Sebolelo o maemong a mabe hampe ha jwale, mme re ilo mo etsa oporeishene hore re tle re behe maemo a hae tlasa taolo.
MMASEBOLELO: Ekaba ke mang jwale eo na, ntate?
Ke thapama sekolong sa Rehauhetswe moo Sebolelo a rutang teng. Sekolo se tswile, mme bana le matitjhere ba se ba ntse ba qalella ho ya malapeng. Sebolelo o mmoho le Dikeledi.
SEBOLELO: Ee, ke yona taba eo ke neng ke e yetse ho yena, mme o ile a ntjwetsa masaakokometse mosadi eo, empa leha ho le jwalo o itse o tla nthusa ha e le hore ke batla ho fetisetsa taba ena pejana.
SEBOLELO:(O a lla.) Ntate, aubuti Thabang ke yena ya nqholotsang pele. A re o tlilo nka Pontsho ka kgang ho seng jwalo a re o tla re tshwarisa phupe ka lefe.
DIKELEDI: Tjhe bo! mmannyeo, ha ho jwalo ka ha o nahana. Rona re mpa feela re batla ho o hlaba malotsana le ho o bontsha ka moo ditlamorao tsa ho hlalana di leng bodila ka teng.
MODISE: Ke a dumela hore le ba bokgotsing mane ha ba sa re tshepa le ho re tshepa ka lebaka la enwa mora wa rona. Ke na le tumelo e feletseng hore le ka mohla moketjana ba ilo tla feela hobane ba bitsitswe ke moradi wa bona, e seng hore hakaalo ba ilo natefelwa jwalo ka batho ba bang.
PALESA: Lebala ka batho, etsa se tla thabisang pelo ya hao, aubuti Thabang.
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ha ke hane hore o halefile, ntate, empa ha o a lokela ho dumella kgalefo ena ya hao hore e o phehise hlama ka tsela e tjena. O nne o hopole hore o phela le batho ba nang le maikutlo jwalo ka wena, mme ha o a lokela ho tabola feela ha o bua.
SEBOLELO: Nako ya ho inyatsa ha e sa le yo, mme, ke boletse hore ho sa na le moo ke potlaketseng teng hona jwale.
SEBOLELO: Ho tjho hore o a e ngangella taba ena hore o batla ke o fe Pontsho?
SEBOLELO: Ee, le jwale o tshwanetse ho e lebala ka pele, hoba wena o moetsi, athe nna le Pontsho re baetsuwa. Ha ke kgolwe o teng motho lefatsheng mona ya ka mamellang masisapelo a kang ao, a ho tshoswa ka lefu. Haholo jwang ke molekane wa hae, eo ba ileng ba wa, ba tsoha mmoho.
DIKELEDI: Feela le tla lokela ho tshohla taba ena, mosadi, pele monna a fetoha letlakala ke ho ipolaisa makamotela. Nahana feela ho tla ba jwang hakwakwariri e kang Thabang e se e eja jwang le dikgomo, kapa hona ho sela dijo meqomong! Tjhe, ao e tla be e le mahlabisa dihlong e le ka nnete! Ebile ha ke kgolwe hore o teng motho Rammolotsi mona ya ka thabelang ho bona ha tseo tsohle di etsahala. Feela ha e le ditshoso tsena tsa hae tsa hore o tlilo le fenetha tsona le hle le di shebe ka leihlo le ntjhotjho, mme le phahamele mapoqo e sa le jwale, motswalle.
DIKELEDI: Butle le wena, Sebolelo, ka ho phahamisa matshwafo tjena. O a tseba ntwa e ke ke ya rarolla mathata, empa e tlilo a feteletsa ho feta ka moo o ka nahanang ka teng.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Tlhaloso ha e sa hlokeha, mme. Ke elelletswe hore mokgwa hao o fetoha jwalo ka maemo a lehodimo. Maobanyana mona e ne e le wena ya neng a lomahantse meno, o bolela ka moo aubuti Thabang a tellang ka teng, mme o bolela le hore o lokelwa ho rutwa molao ka thata. Empa jwale ha batswadi ba hae ba se ba fihla kwano ho tlilo mo kopela tshwarelo o se o boela o fetola mmala jwalo ka lempetje. Ke a bona o a lebala hore bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
THABANG: Ke kopa hore o nkemele pele ke qete ho hlalosa.
MABOKELLE:O a tseba wena ha nka nna ka ya ka mora hao ke tla qetella ke se ke eja jwang le dikgomo. (O a ema.) Ho molemo hore ke hle ke suthe pela hao mona pele ke teneha ho feta ka moo ke seng ke tenehile ka teng. Mokgwa hao ke o tseba hantle hore ho ferekanya batho ke ntho eo o e tswelang sekolong. (O a tswa.
MABOKELLE: (Ka ho makala.) O reng na jwale, Mmasebolelo?
NGAKA:(O mo kena hanong.) Tjhe bo! kgaitsedi, kgoba matshwafo ke tle ke kgone ho le jwetsa ditaba ka botlalo.
THABANG: Ntate, ke ne ke le sefofu ke sa bone moo ke yang teng, mme ketsahalo ena ke yona e mphahlollotseng hore ke ntse ke kgasetsa leifong nako ena kaofela.
Ha ke qale pele ka ho leboha Modimo, senatla sa lehodimo, hore a be a ntse a mpaballetse le ho fihlella tsatsing la kajeno.
NGAKA: Ekaba, mme, o bolela jwang ha a rialo naMMASEBOLELO: Hobaneng le sa rate ha re ka ra bona SeboleloKe a bona le a lebala hore ke ngwana wa ka eo le re qhoshetsang ka yena tjena?
SEBOLELO: Ke hlompho efe eo o kileng wa mpha yona Na ke yona hlompho ho tsamaya bosiu o kgaqakaka majwala, mme ha o kgutla o be o re tjodietsa ka hore o tlilo re fenetha?
DIKELEDI:O tla lokela ho ba loma tsebe e sa le ka nako pele o aha serobe phiri e se e jele. Banna ba bangata ba ile ba qeta basadi ba bona jwalo feela hobane ba ne ba lemoha hore basadi ba bona ke makwala, ba tshaba ho bua. Jwale he, motswalle, ke batla hore le wena o itlhokomele pele o ka iphumana o wetse hara moleko, etswe tsietsi e hlaha mabaka a fokola.
MODISE: O sa botsa hore ke bua ka eng Ha ke re o utlwile hore nyatsi yane ya hae e batlile e bolaya Sebolelo?
THABANG:(Ka ho tshoha.) Tjhe, le teng ha ho molato, ke tla itsamaela ka ntle ho mathata, empa mohlang ke kgutlang hape ho tla nkga ho sa bola. (O a tswa.
DIKELEDI: Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, ntate ngaka, feela ke kopa hore o re jwetse hore Sebolelo o tswile kotsi ho le hokae hoo le seng le bile le bolela hore le ilo mo etsa opereishene.
THABANG: (A sekisitse meokgo.) Ke a leboha, batswadi ba ka.
SEBOLELO: Ke tla mpe ke leke ho buisana le yena ho ka utlwa ntlhakemo ya hae tabeng ena, mme etlare ha ke tea kalala feela e be hona ke tla e fetisetsang ho ba baholo hore ba ke ba ntwanele molamu wa hlooho.
THABANG: Tjhe, ke bona ho le molemo hore re hle re e etse mohatla kgwiti taba ena pele e nka mothinya (Ho a kokotwa monyako.) Ekaba ke mang eo jwale Kena! (Ho kena Palesa.) Be! ke wena, moratuwa?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mehla ha o entse diphoso o dula o itshirelletsa ka hore phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi! Ke kgale ke ntse ke e bona taba ena hore e tletse bomenemene ka hare, mme o ile wa hana hehehe! ho re ho na le letho le lebe. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o dula o fihla bosiu, o be o bolela hore o tlilo mphenetha hammoho le Pontsho. Sena e ne e le sona sesupo sa hore ntho e kgolo eo o e etsang ka ntle ka mona, mme ke mona pinyane e tswile jwale.
SEBOLELO: (O a lla.) Le jwale le a nteleka, mme, ke ntse ke le bona hore ha le sa mpatla lapeng mona. Le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ilo ntuba maikutlo hape.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mantswe a mang, mme, le a nteleka lapeng mona.
PALESA:(O ntse a lla.) Re tla arohanngwa ke lefu jwang, ha eka ke moo ha o batle le ho qhoba bosiunyana bo le bongnyana feela le nna. Ka mehla ha re re re qhwaolla kobo sehwetha feela o tla be o qala o hopola morao moo o tswang teng, mme o lebala hore le nna ke ntse ke le mosadi, ke hloka ho fuwa sebaka. Ke ntse ke ena le maikutlo jwalo ka Sebolelonyana eo wa hao.
THABANG: Ke batla ngwana wa ka.
THABANG: Ka nnete ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele ka tsela e tjena, empa ke leka ho o bontsha mabaka a...
SEBOLELO:A re ho nna ke se ke ka dumella sera hore se re hlole, mme a tswela pele ka hore nna le Thabang re dule fatshe re rarolle bothata bona, etswe Pontsho ha a hola o tla re hloka ka bobedi ba rona.
THABANG: Jwale o tswa lekoteng.
SEBOLELO:(O iphumola dikeledi.) Tjhe, ke tla le jwetsa ha ke kgutla, ha jwale nako e nkeme ka mosing.
THABANG: Tjhe, ha re hle re di etse molatsa tseno pele ho nkga ho sa bola ka kwano.
DIKELEDI: Ha o na le boikgethelo bo bong jwang na, mosadi. Ha ke re wena le Thabang mohla monene ha le ne le nyalana le ile la ikana hore le tla arohanngwa ke lefu feela Jwale hobaneng o se o batla ho roba dikano tsa lona tjee?
THABANG: Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, moratuwa.
THABANG: Sebolelo, ha ke batle hore re phehe kgang ka ntho tse siyo mona. O tseba hantle Pontsho ke thatohatsi ya ka, mme ha ho na ka moo nka ka qhobang bophelo bona ka ntle ho yena ka teng.
THABANG: Ho feela ho le jwalo, e mabapi le ngwana.
MOLEFI:O ka be o sa ka wa itshwenya le ho itshwenya hoja o ne o tseba hore le tumedisonyana eo ya hao ha ke e hloke le ho e hloka. (Eka o feroha dibete.) Hore ke hlatse ha ke o sheba tjena, Mmadithatsana towe. (O a tswa, mme o ba siya ba le jwalo.
MOLEFI: Empa ho ya ka moo o ithorisang ka teng o utlwahala hantle hore o tshepile ntho e kgolo matsatsing ana, leha feela ke sa kgone ho noha hore ekaba ke eng ena e kana. Feela nka thaba haholo ha o ka ntlhaba malotsana, moshaneso.
MABOKELLE: Butle ka tseo hle, mofumahadi. (O sisinya hlooho.) O a tseba taba ena e a nqaka ka nnete. Hohang ho tu! Ke sitwa ho utlwisisa le jwale hore mathata ana a makana a hlolwa ke eng.
MABOKELLE: Ho lokile he, ha re mo adimeng ditsebe hanyane he.
THABANG: Sebolelo, batho ba tla reng ha ba ka utlwa hore re rerileng na Hona na ha o bone hore ho etsa jwalo e tla be e le ho kenya metsi ka moedi Ke bolela le bona bommampharwane ba ka tsheha hore kgopo di be bohloko ka rona ha ba ka ba utlwa hore..?
MABOKELLE: Sebolelo, ako butle...
MMATHABANG: Butle hle, ntate, ka ho bua mantswe a jwalo hodima ngwana a ferekane tjena. Na ha o bone ho ka ba molemo ha re ka ya hona bokgotsing ra ilo tshohla taba ena ka boholwanyane, mohlomong Sebolelo a ka fetola maikutlo, etswe ha jwale ke dumela hore o ne a mpa a buiswa ke pelo e bohloko feela?
SEBOLELO: Na o tla qetella o buile taba ee ya hao, kapa ke itsamaele?
THABANG: Monna, o motho wa ho qetela eo nka kopang thuso ho yena lefatsheng mona. Ke o bolelletse hore ke moholo ha ke le mokana, ke tseba phapano pakeng tsa botle le bobe. Ebile ke bophelo ba ka bona ha se ba hao. Le jwale ke sa toboketsa hore Palesa ke a shwa, ke a ikepela ka yena, mme ha ho letho le tla nkarohanya le yena. Ke tla mo rata ho fihlela re be re arohanngwa ke lefu feela.
MODISE: Leha o ka wa itshola jwang kapa jwang, monna, feela bohloko ba lerumo lena leo o re hlabileng ka lona bo ke ke ba fola le kgale pelong tsa rona, mme ntho e nngwe e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore le bona bohadi ha o eso qete le ho bo lefa, empa ke mona o se o entse tse ding hape.
DIKELEDI: Ee, ke ka hona ke reng o lokela ho ya phomola hore o tle o tsebe ho rarolla mathata a lelapa la hao o iketlile, hoba ke mona ha o batle dikeletso tsa mang kapa mang. Ke a ipotsa hore batswadi ba hao ba reng feela ha ba utlwa o bua mehlolo e tjena.
Teboho Letshaba o hlahile ka la 4 Tshitwe 1982 motsaneng wa Jouberton ho la Klerksdorp. O thakgotse dithuto tsa hae sekolong sa poraemari sa Qwabi motseng wa Ha-Rankopane, QwaQwa.
THABANG: Taba ena ha e bonolo jwalo ka ha o nahana, Palesa, mme o tseba hantle le wena...
SEBOLELO:(Ka bohale.) Ntate, ha ke re ke hlalositse hantle ha ke ne ke fihla mona le Pontsho hore ha ke sa batla ho utlwa letho ka aubuti Thabang Jwale ke eng seo le batlang ho se tshohla le nna athe ke se ke entse qeto le maikutlo a ka?
THABANG: Ke bolela hore ntate o lokela ho ntemosa hore ha mathata a ntlhwele setha ke etse jwang, e seng hore a ntjodietse jwalo ka ha eka ke ngwana tjena.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Monna, lesisitheho le ja kgomo. Wena phunya seso, se tswe boladu, o ke o tlohele ho tjha ntshi tjena.
PALESA: (A tshwere thipa a se a ntse a le malalaalaotswe.) Ke batla ho o bontsha hore nna ke mang ha e le kajeno lena. Ke kgale ke utlwela hore mokgwa hao o a tella, mosadi towe!
SEBOLELO:O swabiswa ke eng athe tsena tsohle o di entse ka morero le sepheo Hona jwale o ne o ntjodietsa ka hore ke ne ke sa tshwanela ho fedisa moketjana wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane, empa o tseba hantle hore ho teng mosadi e mong ya molemo ho mpheta pelong ya hao, eo o neng o ka nna wa etsa mokete le yena?
PALESA:(O a lla.) Ha e le hore ke nnete hore o a nthata, hobaneng o dula o behile Sebolelo pele mererong yohle ya hao Ka mehla ha ke re ke kopa ntho e itseng ho wena o mpolella ka Sebolelo. Ha o re o ahlamisa molomo feela ke Sebolelo, Sebolelo! Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, mme ka hlakoreng le leng o ntse o duletse ho mphara ka mashano a matala hore o a nthata, o a nthata! Ebile ke bona hantle hore hang hoba moketjana ono wa lona hore o fete o tlilo nqhalla matsoho, o tla be o iphapanyetsa nna jwalo ka beng ba dikolobe?
THABANG: Tjhe, ha ho jwalo bo! weso. Palesa ha ke a mo etsa letho le lebe...
SEBOLELO: Ke nnete moo, mme. Le rona re motlotlo haholo hore re etellwe pele ke motho ya sehlahlo jwalo ka ntate Makgwathi tjena, mme ke a ipotsa hore ke mang ya tla kena dieteng tsa hae ha a ka a beha meja fatshe, etswe e se e le lona kgaba le ileng jwale.
MMASEBOLELO: Hao Sebolelo! Wa tsoha ka matjeke tjee molato ke eng na, mosadi?
SEBOLELO:(O a lla.) Mme, nna ka nnete ha ke sa tseba hore ke lokela ho etsa jwang jwale ha ho bonahala eka mathata a batla ho ntlhwa setha hodimo tjena. Ke a ipotsa le hore hobaneng ke le madimabe tjena jwalo ka ha eka nkile ka bolaya motho.
THABANG:O nkgathatsa matla jwale ha o bua jwalo...
MABOKELLE: Ho bolela hore kutlwano ke ntho e ntseng e le siyo lapeng leno?
MOLEFI: Ho lokile tswela pele, ke tla mpe ke o mamele he.
MABOKELLE: Sa hao sefe?
SEBOLELO: Ho lokile, ke tla hle ke leke ho etsa jwalo, motswalle.
MMASEBOLELO: (O mo kena hanong a bile a tsitsipane.) Ao basadi! O batla ho re jwetsa dife na, ngwana towe?
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ehlile, ntatao o tshwanetse a o tjodietse hobane o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme le yona tlhaloso ya hao ha e sa hlokeha le ho hlokeha ha taba di le mothating ona. Le jwale ke a mo tlatsa hore o re phoqile le hoja re ne re o tshepile, ngwana ka, mme ha ke kgolwe hore re sa ntse re tla hlola re o tshepa hape.
THABANG: Kotsi ya mofuta nngwe na jwale, Palesa Ha ke re ke ntse ke o bolela hore o ke o tlohele ho tshoha difotle, ke teng ho tla o sirelletsa. O wa ka, ke wa hao, mme re tla arohanngwa ke lefu feela?
THABANG: Ke hobane bana bana e tla ba sehopotso pelong ya ka hore nkile ka utlwana le batho ba tjena ka lona, mme leha e le mona le re ha le sa mpatla, empa ke batla hore le dule le nkgopola ka mehla. Ha se mara, ha se ho fela.
MMASEBOLELO:O nkutlwetse hong le dikonyana, ntate. Ha ke eso ka ba ke re re qhalle Sebolelo lenyalo, empa seo ke neng ke leka ho se hlalosa ke hore re rute difelekwane tsena tsa ha Modise molao, etswe ba a re nyatsa ha ke sheba tjena.
THABANG: Ya bohadi yona ke e tseba hantle, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka e tshohla ha morao, re se re qetile ka kenyakenyahadi ena ya taba.
PALESA: Leka feela bo! Ka nnete nka o bontsha tosa le madinyane a yona. O tla tswa mona o qatile mohatla, kobo di fokaela sebayeng. Ke a bona o a lebala hore noha ha e ntshwe mokoting...
SEBOLELO:(A le haufi le monyako.) Ha ho letho leo nka ka le tshohlang le wena ho ya pele ka ha ke mona o se o ntse o bolela hore re kgine ditaba pele di nka methinya esele. Ka tsela e jwalo ha ke a ikemisetsa ho fahla mmuso ka lehlabathe ha jwale. Ke se ke ile he! O se o tla sala o eja masapo a hlooho o le mong hoba ke a bona hore ha o a ikemisetsa ho ya lebenkeleng kajeno. (O a tswa.
THABANG: Ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore o bua ka eng, Palesa. Hona o re nka tseba seo o se nahanneng jwang empa ke se ka kelellong ya hao?
SEBOLELO: Ha ho na ntwa e ka fetelletsang mathata mona. Ho thwe mokokotlo wa lehlanya o lokelwa ke leswai, mme ke yona ntho eo nka e etsang le nna ho ka fokotsa bohloko bo tletseng ka pelong ena ya ka.
THABANG: Ha ho na hore nna le wena re ka tshwana, etswe o a tseba le wena hore batho ha ba lekane e se meno. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore ke llele ho tshwana le wena.
MMASEBOLELO: Ke bua nnete, ntate, Sebolelo o ntjwetsitse masaakokometse ka enwa mokgwenyana wa rona hore o se a mo hlanohetse ho mo hlanohela matsatsing ana.
MABOKELLE:E mabapi le lenyalo la hao, moradi.
SEBOLELO: Ke re wena o leshodu kapa o ne o nahana hore ke bua le mang empa re le babedi feela ka tlong ka mona Ke a bona hore o se o jele tlwae ke ntho ena ya ho phela ka tsa ba bang, mme pinyane ena ya lona e se e hlahelletse poyaneng jwale?
MMASEBOLELO: Ha ho le jwalo ke eng ba sa re lome tsebe hore ba tla re lefa neng ho ena le hore ba iphapanyetse rona jwalo ka beng ba dikolobe tje. O a tseba ke hloile batho ba botjholotjholo jwalo ka bana ba ha Modise hampe. Na o dumellana le nna hore batho bana ke mashodu, ntate?
SEBOLELO: Ke bua nnete, mme, hore wena le ntate ekare ha le kgone ho utlwisisa maima le mathata ao ke leng ho ona, mme ho ena le hore le ntlhahe thuso jwalo ka batswadi ba ka, le nkakgella matsoho. Hantlentle ke tla balehela hokae jwale ha e le moo le lona le sa batle le ho nthusa ha ke le mathateng?
MMASEBOLELO: Sebolelo a re mokgwenyana o se a mo qalletse mokgwa o motjha oo le yena a reng o sitwa ho o utlwisisa. A re e se e le motho ya tsamayang ho fihlela ka kgitla, mme ha a kgutla a mo tjodietse ekasitana le Pontsho, a bolela hore o tlilo ba fenetha.
THABANG: Butle hanyane, moratuwa...
MABOKELLE: Beha pelo sekotlolong, mofumahadi, ho tla loka. Mohlomong batho bana ke hona ba ntseng ba itokisetsa ho lefa mokitlane ona wa bona.
SEBOLELO: Ho jwalo, mme.
THABANG: Ke a tseba, Palesa, hore o kgentshitswe ke ka moo ke ileng ka o tshwara ka teng, empa ha jwale nka thaba haholo ha re ka ra e etsa molatsa hanyane feela hore re tshohle taba ena eo ke tlileng ka yona ho wena ha jwale.
THABANG: Ha ho thuse letho hore ntate a nqhalle matsoho ka tsela e tjena ha a lokela ho nthusa.
THABANG: Feela batho ba tla reng, moratuwa?
THABANG: Hao mosadi! Wa tlola ditlhase hakaale ha ke hlalosa hore ke lebaditswe ke eng. Hona na ke phoso ha motho a lebala?
MODISE: Ee, mme ka tsela e jwalo re tla lokela ho akofa, re phahamele mapoqo pele letsatsi le re dikella nahathote, mofumahadi.
SEBOLELO: Ha ho na sera sa letho se keneng pakeng tsa rona. Ha eba se teng sera pakeng tsa rona, e tshwanetse e be e le wena le Palesanyana eo wa hao. Hona jwale ntho eo ke bonang ho le molemo ha re ka ra e etsa ke ho hlalana hore e mong le e mong a tsebe ho inkela tsela ya hae.
MODISE: Ha ho thuse letho hore o itshole ho se ho senyehile tjena. Re ile ra leka ho o hlaba malotsana le pele o wela molekong ona, mme o ile wa bona ekare re diphoqo ha re ne re o kgalema. Bona hona jwale hore dintja tseo o di qabantseng di batlile di bolayana ka lebaka la hao, monna.
SEBOLELO: Ho ne ho se ka moo o neng o ka mo phoqang jwang empa o tseba hantle hore o nyetse?
SEBOLELO:(Eka o batla ho lla.) Nna ka nnete ha ke tsebe hore hobaneng ka mehla ke dula ke sulafalletswe ke bophelo tjena, mme ntho e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore menyepetsi ena e tletseng pelong ya ka ke e bakilweng ke yena aubuti Thabang ka sebele! (O a lla.
THABANG: O batla hore ke be ke mo nke ka kgang ha ke re?
THABANG: Weso, le nna ke ne ke sa iketse, ke ne ke qhojwa ke lerato le neng le tlokoma pelong ya ka...
THABANG: Ke o bolelletse ka makgetlokgetlo jwale hore o ke o tlohelle ho tshoha difotle tjena, hoba o tla qetella o nyopisitse merero ya rona ka ho etsa jwalo.
SEBOLELO: Oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale bo! ha feela nna Sebolelo ke ntse ke phela.
MMATHABANG: O bolela jwang na, ntate, ha o rialo?
PALESA: O a tseba mmino wa mofuta ona ka mehla ha ke o bapala ke be ke ikgopolela wena feela le hara batho, aubuti Thabang. Ka nnete ha esale ke tswalwa ke eba mokana ke qala ho kopana le tjharola ya mohlankana e kang wena tjena. Ruri o fetotse bophelo ba ka hoo ke sitwang le ho hlalosa.
DIKELEDI: Tjhe, ntate, e seng ka Sebolelo hle...
MABOKELLE: Ho hang jwale o nkgaka le ho feta, mosadi.
MMASEBOLELO: Ntate, Sebolelo a re ba tena ba qhelela moketjana ono thoko tjena ho latela mathata a lelapa a ke keng a qojwa ha bonolo.
MMASEBOLELO: Le nna, ngwanaka, ke a o tshehetsa morerong ona wa hao, empa ha se hore ke o kgothalletsa hore o mo hlale. Ka nnete thaka tsa lona di tla tsheha ka lona ha di le bona hore le hlolwa ke ho itjarela mathata a lona. Ke kopa hore o ke o jelle taba eno masapo a hlooho pele o ka nka qeto, mme ka moso wa be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho le tjena.
MODISE:A ka lebala jwang athe ke yena ya neng a ithaope hore o tla itefella ditshenyelo tsohle tsa hae Hona ha eba ke nnete hore o lebetse ka taba ena, o nahana hore rona re tla lefa ba bokgotsing ka eng hoba ha re nang, mekotlana ya rona re e hlohloretse ho yena kaofela?
THABANG: Etsa jwalo he, ke se ke le ditsebe ha o mpona ke le tjena, hakwe la pelo ya ka.
MMASEBOLELO: Atjhe, ntate, botsofadi bona le bo tlama ka phoso ka nnete! Ka mehla ha le lebala ntho tsa bohlokwa feela le itshirelletsa ka bona le moo ho sa hlokeheng teng. Le teng, ntate, ha ke dumellane le wena hore o se o le kgaba le ileng hakaalo. Matsatsing ana ho thwe leqheku ho tsofala le ratang, mme ke makala haholo ha e le mona o ikeme ka leshome le se na motso tjena.
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a mo tseba Palesa Lebajwa, elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha?
O bolela hore Sebolelo o itse mokgwenyana o mo hlanohetse, mme ha o hlalose hore o mo hlanohetse ka tsela nngwe. Ho hoholo ke hona ho dulellana le ho bitsollakaka bakgotsi ba rona ka hore ba bontsha mmala ho Sebolelo. E le hore hantlentle ho etsahalang, Mmasebolelo?
MMASEBOLELO: Le nna e ntse e le maikutlo a ka ao, ntate, empa ha ho a fella moo feela. Re lokela ho netefatsa hore Palesa o bolla hona ntlwanatshwana moo, etswe o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme ka tsela e jwalo o lokelwa ke kotlo ya sena seo a se entseng.
DIKELEDI: Se ka nkuwa ke maikutlo tjena, Sebolelo, ya re ka moso o be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho se tjena.
MODISE: Nna ha ho na moo ke yang teng, mofumahadi. Thabang ke yena ya iphehletseng lesheleshele lena, mme o tla lokela ho le habola. Ka tsela e jwalo ha ho na moo ke kenang teng ha ho se ho le tjena, etswe ke dintho tse entsweng ka boomo tsena.
THABANG: Ka nnete setswalle sa rona se tla fela ha o ka nna wa tswela pele ka puonyana tsena tsa hao. O tla tswa ka kantorong ka mona o qathile mohatla, kobo di fokaela sebaeng; ke o robile mehlaharenyana ena ka makotofa a tjhesang. Ke a bona o nahana hore nna Thabang Modise ke potele e kgwathwang ka lehlaka. O ba botse kaofela ba bangata ba kileng ba feta ho nna mona hore ke jwang, ba tla o qoqela ka mofuthu wa diopapina tsena tsa ka.
SEBOLELO: Eng Ke o lokollele ngwanaka Ke se ke itse o ka ba wa ilo wela matjoing kwana! ha ho na ngwana eo ke tla o lokollelang yena mona. Ekare o hloleha ho itlhokomela ka bowena o be o bolela hore ke ofe ngwana. Tjhe, ke se ke itse setsweng ke hole bo?
THABANG: Ha se hore ke ne ke le manganga hle, monna, feela ke ne ke sa tsebe moo ke neng ke eme teng ka nako eno.
SEBOLELO: Oho! ke a bona jwale. Ho bolela hore o tlile kwano ka morero le sepheo sa ho tella?
THABANG: Palesa hle, motho wa Modimo, ako tlohele ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena. Taba ya moketjana wa rona yona ha ke bone e ka ama dikamano tsa rona tsa lerato. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke hore o behe pelo sekotlolong. Ha e le nna le wena re tla arohanngwa ke lefu feela.
MMASEBOLELO: Empa, ntate, ha re a lokela ho iphapanyetsa nnete.
DIKELEDI: Tjhe, ha ho le jwalo ho tla batleha hore o kope ntate Makgwathi hore a o fe matsatsinyana hore o ke o phomotse hlooho lapeng kwana. Ke a tshepa hore ha ho ka ha eba jwalo o ka kgona ho sila masapo a hlooho hantle, mme wa kgona ho etsa qeto e nepahetseng ya mapomelo. Mohlomong le bona bana ba sekolo ba ntse ba o ferekanya maikutlo le ho feta.
MODISE: Le jwale o tshwanetse o se ke wa tseba, hoba hoja e ne e se ka Thabang ho ka be ho sa etsahala tsena tsohle. Ke yena ya fihlileng a lahlela lesapo hara dintja hore di tle di qabane.
MMASEBOLELO: Ha se hore re a o leleka hle, ngwanaka. Hona re ka o leleka jwang o le ngwana wa lelapa lee?
MMATHABANG: Le nna pelo ya ka e utlwile bohloko bona bo dutlang madi ke sena se hlahetseng Sebolelo.
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke swabile nko ho feta molomo ke qeto ena ya boSebolelo ya ho qhelela thoko moketjana wa bona wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng ba fetotse maikutlo ka pele tjena le hoja rona re ne re sa ile le kgongwana hodimo.
SEBOLELO: Tjhe, ho thata ho bile ho a nyolosetsa, ngwaneso, mme ha ho potang hore re se re phelela ona feela mahlomola ana.
MOLEFI: Monna, ha ho ka moo nka behang pelo sekotlolong ka teng empa ke bona hore o bipile ntho e kgolo ho wena mona, mme ha o sa ntjwetse yona hona jwale, o tla shwella tharing jwalo ka ngwana ya sa lleng ke hle ke o jwetse. Matsatsing ana batho ba bangata ba bolawa ke pelo ekasitana le mahloko a mang a kgatello ya maikutlo ka lebaka la ho ipipetsa ka ditaba ba le bang. Jwale he, weso, le wena ke o hlaba malotsana hore o se ke wa ikgatella maikutlo re ntse re le teng tjena.
SEBOLELO: Ha ke eso ka ba ke re o nkgumamele, aubuti Thabang, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore re lebale ka moketjana ona. Mohlomong ha ebe ho kgoneha re tla tswela pele ka morero ona isao, le teng ha o ka tlohella ho mathakaka le masiu jwalo ka ha eka ha o na lelapa. Ebile se mpelaetsang ka metsamao ena ya hao ke hore ho se ho fetile beke tse pedi ho isa ho tse tharo jwale o sa je dijo tsa lapeng mona, mme ha ke re ke a botsa hore molato ke eng, ha o nkarabe, feela o apara tlalo la nkwe.
MODISE: Empa hobaneng o ne o nqobella hore ke kene morerong oo wa hao?
KGAOLO YA 3 wetse lerabeng lena leo ke leng ho lona kajeno. Mohlomong ha o ka wa mpha sebaka sa ho hlalosa o tla utlwisisa bodiba ba mahlomola boo ke leng ho bona ha jwale.
PALESA: Tjhe, mohlolo o jwalo ona o ke ke wa etsahala le kgale ka ha le wena o tseba hantle hore bakudi ba Rammolotsi mona ha ba fele, bongata ba bona ke bo thibang letsatsi e le ka nnete.
MMASEBOLELO: Ntate, e se e batla e le lemo tse pedi Sebolelo a nyetswe mane ha Modise, mme ho fihlela lena le hodimo ha ba eso ka ba re lefa tjhelete ya rona e ileng ya salla morao ha ba ne ba tlilo kopa mohope wa metsi kwano. Ka nnete ha ho eso be le nko ho tswa lemina, hono ho mpontsha hantle hore ha ba sa ikemiseditse ho phethahatsa ditshepiso tsa bona tseo ba ileng ba di etsa mohla monene.
THABANG: Phoso e tsamaya le mohatisi...
MABOKELLE:O a tseba moshanyana enwa wa Modise o a tella, mme nna ke tloha ke mmata le sa tshelweng ke nta hona jwale tjena.
PALESA: (O iphumola meokgo.) Ke motho le nna, ke na le maikutlo jwalo ka mang le mang, mme ke lokela ho etsa bonnete ba hore ke fuwa tlhompho yohle e ntokelang. (O tebisa maikutlo.) Feela leha ho le jwalo o tla lokela ho utlwisisa hore ke motho ya thefulehang maikutlo ha bonolo haholo. Ke ka hoo ka nako tse ding ke yeng ke nahane hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho itlosa bodutu ka nna, o ntano kena pooneng ha o se o phethetse merero ya hao.
MABOKELLE: Dumela le wena, ngwanaka!
THABANG: Ke tla ya ho yena, ntate.
SEBOLELO: Aubuti Thabang o boetse mekgweng yane ya hae hape ya ho tsekela hara mafifi a sa tsebe hore o tsomana le eng e kaale. Motho wa teng o tla fihla a nkga jwala a re phu! jwalo ka ha eka ke letlakala. Ho tloha moo a qalelle ho rohakana a bile a phaella ka hore o tlilo re fenetha nna le Pontsho. (O sisinya hlooho.) Boitshwaronyana bona ba hae bo mpontsha hantle hore ntho e kgolo eo a re kwetletseng yona ka kobong. (O leka ho nahana.) Ha ho le jwalo ekaba ke efe yona ntho eo, basadi Tjhe, mohlomong le nna ke mpa ke ingongorehisa ka phoso, athe ha ho letho le lebe. Feela leha ho le jwalo re tla boka ha di oroha hore mmela o putela hokae hantlentle. Ke a ipotsa le hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a sa ntata le ho ntata mosebetsing mane, empa ha ho nang, tseo tsohle ke tla di utlwa ka yena ha a fihla(Ho utlwahala modumo wa koloi e emisang ka ntle.) Ekaba ke mang wa koloi jwale hara mafifi a makana (O nyarela ka fesetere.) Oo, ke aubuti Thabang! E re ke mo letele, ke utlwe hore o tla a fupere eng kgetlong lena, etswe ha a fellwa a le tjena ke a tseba. (Ho a kokotwa monyako.) Kena! ha ke a notlela?
DIKELEDI: Ako bue hantle hle, mosadi! O re Thabang o o entseng se sekaale ha e le moo o se o sheshenella banna kaofela le ba se nang molato?
MMASEBOLELO: Na ha o sa mo rata Thabang ha o se o bua tjee na, mosadi?
MMATHABANG:O se o tla nkinela matsoho metsing, ntate, haeba ke molato wa ka hore ebe re ile ra ilo kopela Thabang tshwarelo. Empa nna seo ke neng ke batla ho se bona se etsahala ke kgotso malapeng ana a mabedi, ke ne ke hopola hore ho etsa jwalo e tla be e le ho rarolla mathata.
SEBOLELO: Ha ho na hore e ka hata ka maro, empa o ntse o dulellane le ho suhana le moya wa ka tjena. Ke kgale ke mamelletse tshotleho lapeng lena, mme jwale ho fihla moo o nkgitlang dibete teng. (O batla ho lla.) Ke nahana hore le ona moketjana oo wa rona re hle re o qhelele thoko, hoba ke mona ha o a ikemisetsa letho ka ona. (O a lla.
SEBOLELO: Le jwale ke bua nnete, aubuti Thabang. Matsatsing ana ha o sa re natsa ka letho nna le Pontsho, mme ke a tiisa ke a hlapanya, ka leng nnete e tla hlaella poyaneng. O tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane.
MMASEBOLELO: Ntate, na o sa ntse o batla hore ditaba di dulelwe majwana hodima ho se ho hlekemane hakaale Hona na ha o kgone ho lemoha hore batho bana ke difelekwane, ba mpa ba shwelletse mokuleng ka boomo ka tjhelete ya rona ya bohadi, mme ba tla qetella ba kene pooneng ha re sa phahamele mapoqo?
DIKELEDI:(Ka ho nyaroha.) E-e bo wena!.
THABANG: (Ka bohale.) Na o ntse o imametse hore o a nthohaka, monna?
SEBOLELO: Le nna ke yona ntho e mmakaditseng haholo eo, ntate, hore hobaneng le se le batla ho ntahla ke le mokana.
MOLEFI: Ako hle o mome ntshwe, o ke o tlohele ho ntlodisa kgati tjena.
MABOKELLE: Monna wee, etswa ha ka mona pele ke o roba molala. (O sheba Thabang ka la Kaine.) Ha eka o sa eme tjee, ke itse o hate kosene, moshemane. Kapa o batla ho tswa mona mamina a se a kopane le dikeledi?
MMASEBOLELO: Ho hlompheha le ho se hlomphehe ha ho re letho ha feela motho a fapane hlooho.
SEBOLELO: Ha o a hlollwa letho mona! Mokgwa hao o a tella mme o batla thupa feela hore e tle e o phekole ditsebe tsena tse sa utlweng. Ke a ipotsa hore o teng motho ya felletseng hantle kelellong wa boemo bona ba hao ya ka dulelang ho matha le banna ba nyetseng. Na ha o bone hore o itheola seriti ka ho etsa jwalo, Palesa Hona o tla ipopela lelapa neng ha o ntse o dulellane le ho sasanka le banna ba batho tjee?
MODISE: Ha ke o tshose, mosadi, ke o jwetsa tsona di le tala di le jwalo.
PALESA: Basadi! ke eng eka diaparo tsa ka kaofela di ke ke tsa hlola di ntekana hape tjee. Ebe jwale ke tla etsa jwang jwale ha ho se ho le tjee Tjhe, ha ho potang hore ha ke tjhaisa thapama ke tla lokela ho fapohela ka mane ka mabenkeleng hore nke ke bone hore ke fumana eng eo ke tla e apara matsatsinyaneng ana. (Ho a kokotwa monyako.) Jo! ekaba ke mang jwale ya nkokotelang hoseng ho hokaale Ka nnete haeba ke Thabang, o tla tswa mona ka ntshwe di sa fohlwa. (O a tswa ho ya bula monyako.) Kena! (Ka ho nyaroha.) Sebolelo! Helang basadi! jwale wena o behwa ke eng kwano?
MMASEBOLELO:(A ntse a lla.) Ho sa tla loka eng, ntate, re lahlehetswe ke bophelo ba moradinyana wa rona a le mong to! ka monwana?
THABANG: Ha se hore ke batla ho itatola, feela ntho eo ke e nyatsang ke ya hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka tjena, ekasitana le ho nkenya mathateng. Ke ile ka o jwetsa sefahlamahlo hore ha ho na hore nka hlala Sebolelo ka lebaka la hao. Haholo jwang ha e le mona re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane.
MABOKELLE: Beha pelo sekotlolong hanyane hle, moradi.
SEBOLELO: Ha o utlwe ke bolela hore ke na le kgwaonyana ka aubuti Thabang. Ho hang ha e sa le yena yane wa maoba le maobane eo ke mo tsebang. Ke re le tsona dijo tseo ke di phehileng ha a sa di ja le ho di ja. Ntho e nngwe to ka monwana! eo a e etsang ha a le lapeng mane. (O kgutsa motsotswana.) Motho wa teng o tla tsoha hoseng ka matjeke a se a ntse a le maoto a oka ditlhabela. Ho tloha moo o tla kgutla bosiu ka nako tsa baloi.
PALESA: Ha ke re o a tseba le wena, aubuti Thabang, hore ke batla re phele ka kgotso ho isa...
SEBOLELO: Ha eka o sa e hatella taba ee hore monna wa ka ke qati o a lomisanwa?
PALESA: Haeba ha se tsona tseo o di tletseng kwano o tletse dife, etswe ke hopola hantle hore o itse ke se ke tla hela ke itlamela ke le mong?
MODISE: Mosadi, ke kopa hore o ke o tlohelle ho nkena menong jwalo ka nama ya moketa tjena ha ke bua le Thabang. Ke se ke behile lentswe la ka tafoleng, mme ha ke kgolwe hore ke sa tla fetola maikutlo hape. Thabang ke monna, ha a hele a itlamele, a bone hore o tswa jwang ha ho se ho le tjena. Ha se nna ya tlilo ikopisa hlooho ka ntho tse etswang ka boomo mona. Hosane mona ha lerapo lena la hae le mo kgamme o tla be a re batho ba mo loile, empa ho se jwalo. E le yena ya itoyang ka boyena.
MOLEFI: Kgele! wa tla wa lomahanya meno e le ka nnete he ngwana monna, le hoja nna ke sa kgone ho utlwisisa hore o lebisitse hokae ha o ipoledisa jwalo ka ngwana a thabetse dipompong tjena. O bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo o yang teng jwalo ka ha eka ke kgale o qhafutsa hara tebetebe ya mathata. Hona na haeno ha ba a ka ba o bolella hore motho o motle ha a bolelwa ke batho ba bang?
MMASEBOLELO: (Matshwafo a uba le ho feta jwale.) Jwale ho thwe molato ke eng na, Dikeledi?
THABANG:(O tebisa maikutlo.) Ha ke tsebe haeba re tla kgona ho utlwana ka taba na, feela ke a tseba hore o motho ya nang le kutlwisiso, mme ke a dumela hore nna le wena re tla kgona ho fihlella tharollo qetellong ya ditaba.
SEBOLELO:O ntse o bona hore ke etsang. Ke batla ho o ruta batho ha e le kajeno lena, mmadiberwana towe. (O mo phetha ka mpama hape.) Nka! ke o phethe hape, moleko towe, ekare ha o eso utlwe hantle!
SEBOLELO: Ke ne ke o jwetse kgale hore ha ke na taba le seo batho ba tla se bua. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla kgotsofatsa pelo ya ka. Nke ke ka kgotsofatsa pelo ya motho e mong empa ya ka yona e sa kgotsofala.
THABANG: Palesa, ako butle hanyane ka tseo...
DIKELEDI: Ke a utlwa, mosadi, empa ha ke kgolwe hore tseo ke tsona tse ka o sulafalletsang bophelo, hoba ka mehla bo dula bo tletse diphepetso, mme bo batla hore motho a tiye tumelong.
MMASEBOLELO: Nka o hlanohela jwang, Sebolelo ngwanaka, e le kgale hakana ke o jarela mankokwana Nna ke ne ke leka feela ho o lemosa hore o mpe o kgutlele bohading, etswe le yena Pontsho o tla hloka lerato la lona ka bobedi jwalo ka batswadi ba hae. Ho fetafeta moo batho ba tla reng feela ha ba ka utlwa ho thwe le entse lenyalo la lona la lemo tse pedi mohatla kgwiti?
Ke kantorong ya lebenkele la Thabang le Molefi. Dithena di iketlile, di ja lekomo.
PALESA: O re nna ke sethoto, aubuti Thabang?
DIKELEDI: Atjhe, Sebolelo, nna ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena. Na ha o nahane hore mohlomong Palesa o mpa a mo tlamelletsa feela ka molato oo e seng wa hae.
MMASEBOLELO: Ke kopa hore o buse maikutlo hle, ngwanaka, hore re tle kgone ho tshohla taba ena re sa le babedi tjena, hoba ntatao o sa ntse a robetse ka mane ka kamoreng.
MMASEBOLELO: Ha e le nna ke kgale ke ntse ke mmona moshanyana enwa wa Modise hore ke mahodi a patile maeba, mme eitse ha ke re ke a hlalosa yaba ke qoswa ka hore ke tlilo senyetsa ngwana lenyalo. Bona he hore ho jwang kajeno! Le hokae le mantswe a ka jwale?
SEBOLELO: (Ka ho nyaroha.) O boetse o ntshetse morao hape?
THABANG: Ntate, ke itse ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale jwalo ka ha a se a boletse, a mpe a ntokollele Pontsho he. Empa ka ho rialo ha ke bolele hore ha ke sa mmatla. Ke ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle, mme ke hloka feela tshehetso ya lona, batswadi ba ka, leha feela ntate a sa batle ho utlwa letho tjena.
MMASEBOLELO: Ntate, na o a elellwa hore monna enwa o re patela ditaba ka moradi wa rona?
THABANG: Ao banna! Ha ke re ke ile ka hula mantswe ano a ka, hoba ke ile ka lemoha hore a ile a o kgopisa, mme o ile wa amohela boinyatso boo ba ka, mosadi.
THABANG: (Ha Palesa a qeta ho tswa.) Ha ke na taba le wena, o ka nna wa ilo wela matjoing kwana! (O kgutsa motsotswana, mme o shebahala a tlalletswe ke naha.) Banna! ebe ke tla etsa jwang ha kgomo e se e kentse leoto ka kgamelong tjee, etswe taba ena e ntse e tlilo fihla e le tala tsebeng tsa Sebolelo (O sisinya hlooho.) Feela e re ke lebe ka kantorong ya Molefi ka mane, mohlomong o tla nthusa ho phema moleko ona, etswe Sesotho se a bolela hore ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. (O a tswa, o leba kantorong eo Molefi a dutseng ho yona?
MODISE: Ke eng eka o batla ho buella setlokotsebe see sa moshanyana, mosadi?
THABANG: Sebolelo, Pontsho ke ngwana wa ka le nna, ke na le ditokelo tsa hore ke mo hodise jwalo ka ntatae. Ha ke kgathalle hore mang yena o reng, mang yena ha a reng.
MMASEBOLELO: Mehlolo ka nnete! Ekaba ho etsahalang na ha o re tsohella hoseng ho hokaale, Thabang Kapa o se o boetse o qadile ka mathaithai a moo a hao (Ka bohale.) Haeba o tlosa bokaako haeno kwana o bo tlisa kwano, ke batla ho a hlaba malotsana hanghang hore mona teng o tla teana le pela di falla. Sebolelo ke ngwanaka, mme ha o mo utlwisa bohloko o tsebe hore le nna ke ameha maikutlo?
MOLEFI: Bua sello sa hao, empa le teng ho tla be ho ntse ho tshwana feela, hoba nke ke ka o thusa le kgale.
SEBOLELELO: Yena ha e le ho bua nnete ke ntse ke mo rata, mme, empa jwale maemo ao ke leng ho ona ha jwale a nqobella hore ke nke qeto ya mofuta ona.
THABANG: Butle ka ho betsa ka majwe hle, monna! Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa hore ke sa ntse ke batla ho ja masapo a hlooho hanyane feela. Etlare mohlang pelo e ntumellang ho etsa jwalo, ke tla phethisa tshepiso ya ka ke sa tsilatsile le ho tsilatsila. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka tswa o sa behile pelo sekotlolong hanyane feela.
MMASEBOLELO:ke se ke thehile tsebe, o ka hla wa wela temeng, ntate.
MODISE: Le mathata ha ke kgolwe hore a mo hlwele setha hakaalo, hoba ke mona haufinyana ba tla be ba etsa mokete wa semetletsahadi ho keteka lemo tse pedi ba nyalane, mme tseo tsohle di tlilo hlekefetsa pokotho tsa bona e le ka nnete.
MABOKELLE: Lebala ka tsona...
THABANG: Mme wee, ke kopa hore o se ke wa mpitsa ntja jwalo ka ha eka o a mphepa tjena. Ebile ke tloha ke be ke le hlokela tlhompho hona jwale tjena le be le sulafallwa ke thabo.
MABOKELLE: (O a tsheha.) Tjhe, ka nnete ho hola ke ho bona meeka le mehlolo. Ke hore le maqheku a tsofetseng jwalo ka lona tjena a sa ntse a rata ho ikamahanya le ntho tsa batjha. Hela! se a tjho Sesotho le sona hore belo le a fela, thota e sale.
SEBOLELO: Ke a di utlwa tseo tsohle, mosadi, feela ntho e sa mpheng boroko ha jwale ke hore moketjana wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane o tla hle o atlehe e le ka nnete na, hoba ke mona aubuti Thabang o bonahala a le monyebe ho ka etsa ditlhophiso tsa ona.
THABANG:(O a mo aka.) Banna wee! Ha ba ha re kokololo! Mmele le ona ka ba ka utlwa ekare o tsamauwa ke dikokwanyana.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Se ka mpitsa moratuwa wa hao. O tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa. Ha e le nna le wena se neng se re kopantse se fella hona mona, mme mohope wa rona wa silivera o pshatlehile. Ke qetile ha ke rialo jwalo.
MMATHABANG: Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo, ntate.
THABANG: Ha ke no ebola tapole habedi, mosadi. Ke a bona hore o batla ho nkgulela molekong ke ntse ke shebile, mme hono nke ke ka ho dumella hore ho etsahale ho nna mona. Ha e le ho tloha kajeno lena teng ke a itshola ho wena mona, ke se ke tla tebisa maikutlo a ka ho Sebolelo le Pontsho wa ka.
O boetse a etsa dithuto tsa boqolotsi ba ditaba (Media Studies and Journalism) ekasitana le marangrang a dikgokahano tsa dikhomputara (Comupter Literacy).
MODISE: Ho lokile he, mofumahadi, ha a bue re utlwe hore ntlhakemo ya hae ke efe.
MABOKELLE: Le nna ke o tjhaella monwana ntlheng eo, moradi. Ha re menahaneng le mehlala pele nako e re beha merebele.
MMASEBOLELO:(A le mong.) Monna enwa ke a bona o nahana hore ke tjha ntshi jwalo ka yena. Ho hang ho tu! nke ke ka dumella masawana hore a etsahale ke ntse ke le teng. Sebolelo ke moradi wa ka le nna, mme ke na le tokelo ya ho ntsha maikutlo a ka ha ke bona dintho di sa ye ka theko. (O kgutsa motsotswana.) Ha e le difelekwane tsena tsa ha Modise tsona di ntse di tlilo se bona thotsela sa motsheare. Ke Mmasebolelo nna, ha ke potele e kgwathwang ka lehlaka!
Pono ya 5 Phaposing ya baeti moo boMmasebolelo ba letileng teng.
MMASEBOLELO: Ee, ke nnete ke boletse hore Thabang o tshwanetse ho rutwa molao, mme le jwale ke sa rjalo, feela batswadi ba hae ba tshepisitse hore ba tla buisana le yena ka boitshwaro bona ba hae. Ke ka hoo o mponang ke photholohile tjena. Ke tla dula ke o tshehetsa, ngwanaka, bohlokong le thabong.
MODISE: Se ka mpotsa hore ke bua ka eng, o tseba hantle hore ke o bitseditse eng kwano. Mokgwa hao ke a bona hore o a tella, moshemane towe, mme le ka hloohong ka mona ekare o ntse o tletse mapokaetsi. Hona jwale tjena o re hlabisitse dihlong tsena tseo le nna ke le tjena ke sitwang le ho bua ka tsona. Hohang o re ntshitse mejo hanong le hoja re ne re o tshepile, monna.
SEBOLELO: Ke eng yona ntho eo o batlang hore re e bue hona jwale, empa o hlolehile ho phunya seso maobane Hona hobaneng o batla hore re e tshohle ka nako ee, empa o tseba hantle hore ke lokela ho theohela?
SEBOLELO: Tjhe, re hlotse hantle haholo, mme, ha ho molato ka nnete.
SEBOLELO: Bua, ke mametse he.
DIKELEDI: Atjhe, jwale o ntse o nqaka le ho feta, mosadi! Ho hang ha ke kgone ho bona moo mmila o putelang teng jwale. O bua ntho ena le nthwane o sa kgone le ho qeta taba ya hao. Pejana o ne o tletleba ka hore o se o lahlehelwa ke tshepo ho Thabang. Jwale o se o bolela hore o ntse o nyamella hara bodiba ba mahlomola. Ke eng eka o ditaba tjee, mosadi?
THABANG: Ekaba ke efe tharollo eo na, moratuwa?
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei hei o se ke wa ba wa leka wa mpitsa moratuwa wa hao. Ha ke re o tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa Lebajwa Haeba o batla ho utlwana le nna o se ke wa ntuba maikutlo e sa le hoseng tjena?
MABOKELLE:E-e Mmasebolelo, ha ke re o sa tswa hlalosa hore lebaka la bona la hore ba se ke ba re dumella ho ya bona Sebolelo ha jwale ke lefe. Ke tshepa hore ba tla re dumella ho mmona ha ba se ba qetile ka mosebetsi wa bona.
PALESA:O a tseba ha ke kgolwe hore ke wena ya ka buang jwalo le nna, aubuti Thabang. Ho hang ho tu! o motho wa ho qetela eo ke lebelletseng ho utlwa mantswe ano ho tswa molomong wa hae.
MABOKELLE: Kgoba matshwafo hle, mofumahadi...
SEBOLELO: Tjhe, mme, ha se yena ya ntebetseng?
SEBOLELO: Ke se ke boletse, ntate, hore ha ho hlokehe hore ke le bolelle tsa moo ke yang hona jwale. Ke a tla hona jwale tjena. (O tswa ka sekaja, mme o siya batswadi ba hae ba eme dihlooho).
MABOKELLE: Ke bothata bofe boo na, moradi?
DIKELEDI:(A le leqenyana.) Ka bokgutshwanyane, batswadi ba ka, Sebolelo o sa tswa amohelwa sepetlele hoseng tjena.
MODISE: Ke a o hlapanyetsa, mofumahadi. Ho se ho bile ho kodumela lemo sa bobedi jwale, empa ho eso be le nko ho tswa lemina, mme se nqakang le ho feta ke hore ke yena ka sebele ya ileng a bolela hore o tla re neha mapenenyana hore re ilo dihela dikgala molatong ono wa hae. Feela ke mona ha esale a re tshwarisa lefika jwalo ka tshwene.
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ee, ke ntse ke mametse tsohle tseo le ntseng le di bua, batswadi ba ka, mme ke maswabi haholo ka se hlahetseng Sebolelo. Ke a elellwa hore hoja ke ne ke se sengangele a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ena e mo hlahetseng ha jwale.
THABANG: Ekare o dieha ho utlwisisa ditaba ha motho a bua le wena hantle, Sebolelo. Hona jwale o se o tswile lekoteng ho tu! o balabala ka ntho di hana-ho-fela. Hona jwale ke leka ho o hlalosetsa ka moo ke ikwahlayang ka teng, empa le teng o sa ntse o ikwetse ditsebe ka thebe ya leshoma, o nkomela ka ntho tsa kgale tseo le nna ke le tjena ke lebetseng ka tsona.
MABOKELLE:A re ha a tsebe jwang na jwale?
MMASEBOLELO:O se o tla nkinela matsoho metsing, ngwanaka, ke mpa ke utlwa ke kgwabitlwa ke letswalo.
DIKELEDI: Nna nka thabela ho bona le phedisana ka kgotso le eo molekane wa hao, le se na diqabang tsena tseo ke utlwang o di bolela, haholo ha moradinyana wa lona a sa le monyenyane tjena.
MABOKELLE: Nna ke re le yena Thabang o ntse a ena le seabo se seholo ketsahalong ena. O lokelwa ho rutwa molao ka thata pele a etswa taolong ho feta mona. O hlokile botshepehi ho Sebolelo, mme ditlamorao tsa seo ke tse bodila feela.
MODISE: Ke itse tlhaloso ya hao ha e hlokehe hona jwale, etswe Sebolelo o ile a feta le kwano, mme o se a re jwetsitse tsohle ka boitshwaronyana bona ba hao bo hlephileng. Ho fetafeta moo o ile a ba a re bolella le mahlabisadihlong ana ao o a entseng.
PALESA: Ha ke o rohake, ke bua nnete hore...
PALESA: Ke se ke itse setsweng ke hole bo! o mpa o ipala meno feela haeba o nahana hore o tla hapa lesea lena ka thupa ya mmowana. Ka nnete ke tla lwana ya sedulwamatswapong haeba o batla ho nqholotsa ka ngwana enwa wa ka.
THABANG: Hela moreso!
MMASEBOLELO: Le yena a re ha a tsebe hore molato ke eng, ntate.
MODISE: Ke itiisa pelo ha ke entse jwang na, mosadi?
SEBOLELO: Ho bolela hore o bona ditaba ka leihlo lesele, Dikeledi, hoba nna ke ipona ke ntse ke ipheletse hantle, ho se letho le lebe, mme ke makatswa haholo ke sena seo o se bolelang.
MOLEFI: He monna, ke moferefere wa eng ka moo ha e le moo Palesa a etswa ho se ho se monate, a bile a sekisitse meokgo Na le ne le lwana?
THABANG: Tjhe, moo teng o opile kgomo lenaka, ngwana monna, feela ha e le ho bua nnete ke batla ke le lesisithehonyana hore nka tshohla taba ena ha jwale...
SEBOLELO: Tjhe, ke a e utlwisisa le yona ntlha eo, empa ha e le Palesa yena o tla utlwa ekare o penngwe ke notshi tsa semana ha nka ka mo tshwara mona.
SEBOLELO: Ha e le hore Pontsho ke thatohatsi ya hao hobaneng o ne o mo sotla hakana?
THABANG:O tla ntshwarela haeba ke se ke fahlile mmuso ka lehlabathe, ntate.
MMASEBOLELO: Ako butle le wena, Sebolelo, ka ho bua mantswe a ditshotleho tjena. Bua hantle o tlohelle ho itshela ka dikgapha tjena.
PALESA: Ee, ke taba tse monate, wena ako nohe feela hore ekaba dife.
MOLEFI:(O mo kena hanong hape.) Re ka iketsa kgokanyanaphiri jwang, empa o sa bontshe tjantjello ya letho mosebetsing wa hao Hona jwale mosebetsi wa lebenkele lena ke o thibang letsatsi, mme ka mehla ke dula ke le mong mona ho beha maemo leihlo. O tseba hantle hore ha re a tshwanela ho tlohela basebetsi ba le bang le lebenkele, empa o dula o fihla ka mora nako mosebetsing. Ntho eo o e shebileng feela ke hona ho mathakaka ka mora matekatse a Rammolotsi mona, empa o ena le mosadi lapeng kwana?
THABANG: Ho sa kgathalatsehe hore ho etsahalang, monna, feela nnete ke hore ke tla be ke kgotsofaditse pelo ya ka. Ho fetafeta moo ke etsa tsena tsohle ka lebaka la lerato le ho phethahatsa merero ya pelo ya ka.
MODISE: Mosadi, na o ntse o sa utlwe hore Thabang o rata ho iketsa sengangele jwang Hona jwale ke mona o se a bolela ka moo a batlang ho lokollelwa ngwana wa hae ka teng, wena jwale o batla ho jarisa nna melato ya hae jwalo ka ha eka ke nna ya mo rommeng hore a mathakake le banana ba motse oo kaofela?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka lebalang sekgobo sena ka teng, ntate, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng motho wa nama le madi ya ka kgotsofallang ho ba maemong ana ao ke leng ho ona kajeno.
DIKELEDI:O tla nkinela matsoho metsing he, motswalle. Ha ke re jwale ke buiswa ke hona ho ngongoreha hona ho hokana, etswe matsatsing ana haesale o ntse o sa phuthuloha hohang, mme nna ke ne ke hopola hore taba ena ya hore o batla ho hlala Thabang ke yona e hlileng e o hwayahwayang ha bohloko tjena.
THABANG: Sebolelo, ke a tseba ebile ke utlwisisa ka botlalo taba ya hore o tlilo ntlhala, empa leha ho le jwalo ho sa na le tabanyana eo ke batlang hore re ke re e dulele majwana pele. Le hoja batswadi ba ka ba ne ba tlile kwano ho tla nkopela tshwarelo, empa tseo tsohle ha ke sa di natsa ka letho hoba di ke ke tsa hlola di ntswela kgomo le kgale.
MOLEFI: Bua he hore ho nkang sebaka ke eng.
THABANG: Hobaneng ha re tshohla tsa kgwebo, wena o be o hlapaola basadi ba ka O a tella mokgwa hao ke a bona. Ke a tloha, Pele ke o antsha phooko ha eba ha o tsebe moo ho bapallwang teng?
THABANG: Tjhe, e seng jwalo, ntate...
THABANG:O tla mpolella hore o...
THABANG: Ke a amohela, ntate, hore ke nna ya lokelang ho jariswa molato ona, mme ke kopa hore le nkgolwe ha ke re ke swabile nko ho feta molomo ke sena se hlahetseng Sebolelo.
SEBOLELO: Dumelang ka lapeng hape, mme le ntate!
MOLEFI:O ne o sa tsebe moo o neng o eme teng jwang, athe o na le mosadi le ngwana bao o lokelang ho ba hlokomela Ho tjho hore o ntse o sa hlajwe le ke dihlong tsa sena seo o se entseng?
SEBOLELO: Le jwale ho thata ho dumela tsena tsohle, mme. Le nna ho ne ho le boima hore ke di dumele sethatong, feela leha ho le jwalo ke mona ke amohetse jwale.
DIKELEDI: Batswadi ke le tshwaretse taba tse sa jeseng ditheohelang ha le mpona ke le tjena.
THABANG: Ako tlohele ho itshela ka dikgapha tjena hle, Palesa. Hohang nna jwale ha ke sa tseba hore ke hlalose jwang ha o itlhomotse pelo tjena. O tseba hantle hore ka mehla ke leka ka hohle ho o kgotsofatsa, empa o mmaneha dibato tse sa ntshwaneleng le ho ntshwanela. Ebile ha ke utlwisise hore hobaneng o dula o kenya Sebolelo tabeng tsa rona tjena. Ke leka ka hohle ka moo nka ka kgonang ka teng ho o etsetsa tsohle tse molemo, empa tseo tsohle ha o di bone ka letho. Mokgwa hao ke lemohile hore o motho ya fetohang jwalo ka maemo a lehodimo.
MABOKELLE: Kgele! O tsheha ka nna, mosadi. Ke a bonao a lebala hore motshehalefuma o a ipiletsa. Tsietsi ena eo ke leng ho yona ha jwale e ka nna ya wela wena ka moso, mme wa boela wa tla ho nna o hoshola o tlilo kopa thuso.
SEBOLELO: Taba eno ya hao re se re tla e bona ha ke tjhaisa, etswe ha jwale nako ha e sa ntumella. Ha ke re o ne o ntjodietsa ha o lokela ho otla ditaba phatla ntjhotjho, jwale ke a itahla ha ke etsa tjena.
THABANG: Ee, ke a dumela, batswadi ba ka, hore ke le sitetswe ka seo ke se entseng, mme ke amohela ka diatla tse pedi hore ke ne ke sa tshwanela hore e be ke ile ka mathakaka le basadi ba bang, hoba ke nyetse jwale. Feela leha ho le jwalo ke kopa hore le ntshwarele, e ne e se ka boomo, phoso e tsamaya le mohatisi.
MMASEBOLELO: Ke a e bona taba jwale, ngwanaka. E le hore hantlentle o bua ka Palesa ofe na, mosadi Na o bua ke eo ke mo tsebang, ke bolela yane wa mooki tliliniking e ka Marantha?
SEBOLELO: Le jwale ke itshepile. Noha ha e ntshwe mokoting.
THABANG: Ha ke eso ka ba ke sotla Pontsho.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Mme, ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka ka tjhetjhellang morao ka teng ha ho le tjena.
SEBOLELO: O se ke wa ba wa leka wa kenya Pontsho hara taba tsena hoba ha o mo etsetse letho. Ke re le hona jwale ha o tsebe hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a fumane mohlokomedi ha re ile mosebetsing. Maobanyana mona o ne o eme ka lerapo thabeng, o hana hehehe! ho lefa mme Mmamohapi moputso wa hae ha e le mona a re etsetsa mosebetsi o tswileng matsoho tjena ka ho re salla le ngwana ha re le siyo, re ile mosebetsing. Jwale ha ke utlwisise hore hobaneng o batla ho sebedisa Pontsho jwalo ka thebe ya hao ha mathata a o hlwele setha hodimo.
PALESA: Le jwale lerato le bofofu, ke ka hoo o bapalang diketo ka maikutlo a ka tjena. Feela ke sa tjho bo! belo le a fela, thota e sale.
Pono ya 2 Ke lapeng ha Thabang. Sebolelo o pepile Pontsho, mme o itokisetsa ho leba mosebetsing. Moo a reng o a tswa, Thabang o a kena.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke se ke itse ha ke na taba le bona, hoba ba ke ke ba tlisa thabo pelong ya ka. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla ntlhatswa qati, mme se tla lokolla pelo ya ka hara ditlamo tsena tseo e leng ho tsona.
SEBOLELO: Ho bua nnete aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata empa(O qalella ho lla.) Ho thata hore nka lebala sekgobo sena seo a nkentseng sona le Palesa, mme le jwale pelo ya ka e ntse e tletse moya wa boiphethetso feela.
SEBOLELO: Ke re ke mo hloile hampe ngwanana eo wa moloi, mme ke ntse ke tlilo tla mo ruta molao ha nka ka teana le yena! O tla tseba hore motho ke ntho e jwang ha eba ha ba a ka ba mo ruta molao habo!
DIKELEDI:(Ka ho se kgotsofale.) Empa, atjhe bo! mmannyeo, nna ha ke kgolwe hore o ntjwetsa nnete e felletseng. Hohang ekare taba tsa hao di a bata ha ke sheba tjena.
SEBOLELO: Ka mehla nnete e le babela jwalo ka leshokgwa. Ha motho a re o a bua feela, le tla be le bolela hore a etse ditaba mohatla kgwiti ka ha le tshaba hore ho tla tloha ho buuwa masaakokometse.
SEBOLELO: Ke a di utlwa tseo tsohle, mme, empa ha e le sekgobo sena sona hohang se ke ke sa tloha le kgale pelong ya ka.
MMASEBOLELO: Ha eba ha ke bue nnete, hobaneng ba sa fase ntja eo ya bona Ho totobetse hore le bona ba le tjena ba ntse ba kgothaletsa mekgwa ena ya mora wa bona?
SEBOLELO: Mme, ha ho na letho leo nka hlolang ke le tshohla le lona hape, ke utlwile ka dipuo tsa lona feela maobane hore le mina ka nko e le nngwe ha le mpona. Le iketsa eka le a nthata empa ho se jwalo.
DIKELEDI: Tjhe, ha ho kgang ha e le wena ya rialo, mmannyeo. Feela ke sa boela ke thatiselletsa hore o dule o fadimehile ka dinako tsohle, etswe le wena o a bona jwale hore naha e se e jele boya. Ba a ema, ba a tswa.
PALESA:(O mo kena hanong.) Feela eng Ha ke batle tlhaloso ya hao mona. (Sebolelo o leka ho tshola tlhako morong, empa ka bomadimabe a kgotjwa a wa, le pele a etswa ka tlong. Ka nako eo Palesa ke ha a se a le hodima hae ka thipa?
PALESA: Eng Na o ntse o imametse hore o reng na, monna towe?
MMASEBOLELO: Nna ke tla siya Pontsho le mme Mmasephadi hore a sale le yena ha re eya mane sepetlele.
SEBOLELO: Ba bangata hampe bana lefatsheng mona ba hodisitsweng ke bommabona feela, bontata bona ba iphile dimenyane. Ebile ha ke kgolwe le hore Pontsho a ka rata ntatae ya se nang boikarabelo jwalo ka Thabang tjena.
THABANG: Mme, ha ke a tlela ho tella kwano, ke mpa feela ke ipatlela ngwana wa ka feela.
MMASEBOLELO: Butle bo! mmanyeo, o phomola jwang kwano athe o tshwanetse e be o ha hao ka nako ee Na a boetse a runtse botjha mathata a hao na, mosadi, ha ke bona eka o phuthile le mehaswana ya hao kgetlong lee?
SEBOLELO: Ho feela ho le jwalo, mmannyeo, mme ha ho ka nqane hore aubuti Thabang ke kgale a hahlaula dithota le yena, hoba ke mona ba se ba bile ba letetse lesea.
THABANG: Ee, ke nnete ke ile ka o tshepisa ntho dihanahofela, empa ha ke hopole le ka mohla nkile ka re ho wena ke batla ngwana. Seo ke hopolang ke ile ka o jwetsa sona ho tloha sethatong ke hore ditaba tsa rona re tla di sebetsa ka lenyele. Jwale ke mona o se o ntlela ka kedibitlahadi ya taba mona hore o ithwetse.
THABANG: Mantswe ana ao o ntjwetsang ona ke a bohloko, Sebolelo, mme ha ke tsebe le nna hore nka o kgodisa jwang hore le pelo ya ka e ntse e dutla madi jwalo ka eo ya hao. Ke ka hoo ke reng nka thaba haholo ha o ka wa ntshehetsa hore re hlole sera sena se ntebileng.
MABOKELLE:O re ke tla tsebella kae athe ke ntse ke dutse le wena ka moo, mosadi (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong ke Sebolelo hoba o itse o a tla hona jwale tjena hore a tsebe ho itokisetsa ho leba mosebetsing?
PALESA: Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla hore nna le wena re phele ka kgotso...
DIKELEDI: Tjhe, le nna ke ne ke sa lwane, mmannyeo, feela ke ne ke mpa ke sisinya hore o ka rarolla bothata bona ba hao jwang ha ho se ho hlekemane tjena.
THABANG: Na ka nnete ke lokela ho o kgumamela hore o tle o utlwisise le hona ho lemoha hore ke kgutlile mekgweng, mosadi?
MMASEBOLELO: Ha ho thuse letho, ntate, etswe re tla be re be re aha serobe phiri e se e jele ka ho etsa jwalo.
PALESA: Tloha mona! Na ha o tsebe hore monna ke qati o a lomisanwa?
MODISE: (Ka bohale.) Thabang, hantlentle ke manyala a eng ana ao ke a utlwang ka wena, monna?
THABANG: Atjhe, ha mpe re di etse molatsa tseno, ka ha di ke ke tsa re tswela kgomo le kgale.
SEBOLELO: (O mo kena hanong.) Hlalosa taba ya hao he o tlohelle ho ntjwetsa hore ke behe pelo sekotlolong. (O sheba nako.) O a bona le wena hore nako e se e ntse e nkeme maqothe ha bohloko feela.
DIKELEDI: Taba ena e hlile e tshopodi e le ka nnete, mosadi. Jwale wena ha o shebile o re mathata ana a hlolwa ke eng na, mmannyeo?
MODISE: O a di bona he ntho tsena tsa lona hore di fela ha bohloko jwang, monna Le nna ke ne ke sa maketse hore o teng mosadi wa boemo ba Sebolelo ya neng a ka mamella masawana a tjena, mme ha ke mo tshwaye phoso, etswe o tena a etsa tsena tsohle ka lebaka la hao?
SEBOLELO: Empa le nna ha ke na boikgethelo bo bong?
MABOKELLE: Tjhe, ha re di etse molatsa tseo, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, etswe re ka di tshohla bosiu tshekge! re sa qete. Hantlentle taba eo ke neng ke le ho yona ke ena ya boSebolelo le moketjana wa bona.
DIKELEDI: Ako tlohelle ho lla le ho nna o bua dipuo tse se nang motheo tjena, Sebolelo. Ke itse ho wena o se ka dumella hore maikutlo a bapale ka wena tjena. Ha ke re le wena o a tjho hore o sa ntse o mo rata Thabang, mme ha ke bone ho ena le lebaka le ka etsang hore o nne o itiise pelo tjena. Lebala tse fetileng, ngwaneso.
PALESA:(O a lla.) O nkotlelang jwale, Sebolelo O ntse o tlilo teana le pela di falla ke a o jwetsa, mme mohlang oo o tla rohaka letsatsi leo o tswetsweng ka lona?
THABANG:(A nyaroha hanyane.) Jonna wee!! O a tseba ke lebetse hore ke ne ke tshwanetse ho ya o lata sekolong mane, Sebolelo. Tjhe, ka nnete o se o tla nkinela matsoho metsing...
MMATHABANG: Ha ke re o ntse o utlwa hore Thabang o kopa thuso ya rona?
MMASEBOLELO: Ha ho se jwalo ho jwang he ha e le mo o fihla o kakatletse ha boima ke dithoto jwalo ka ha eka o tebetswe tjee Kapa ke yena Thabang ya o tebetseng a re ha a sa o batla (Ka bohale.) Ka nnete ke tla mmontsha tosa le madinyane a yona haeba o dulelletse ho hlorisana le wena mona moshemane eo. Ke a bona o nahana hore ha re thotse tjena re a mo tshaba, ke tla mo ruta ho phela le batho?
MOLEFI: Ho ka ba molemo haholo ha ho ka hla ha eba jwalo, kgabane yeso.
MMATHABANG: Moo teng o tla be a re hlotse le hoja re sa lwana le yena, empa leha ho le jwalo re tla tlameha maoto le matsoho hore re thenthelle mapenenyana a rona a ho qetela ho ka hlakola molato ono...
THABANG:O nkutlwile hantle; lentswe ha se monwana ha le kgutle ha eba ha o tsebe, mmenyana. Nna la ka ke se ke le ntshitse, mme ha ke kgolwe hore e teng kgang eo ke sa ntseng ke tla e tshohla le wena hape.
THABANG: Ke kopa hore le nteballe ditshito tsa ka he, mme le ntate, etswe ke tiisitse ha ke re ketsahalo ena e nthobile moya e le ka nnete, mme ha ke tsebe hore nka hlalosa jwang maikutlo a ka hore le tle le nkgolwe.
MABOKELLE: O bolela hore Thabang o tshositse Sebolelo ka hore o tlilo mo fenetha yena le Pontsho?
MMASEBOLELO: Nna ke tshepa hore le mohlahlami wa hae o tla latela mehlala e metle eo a e sietseng Rehauhetswe dilemong tsa hae tsa tshebetso.
MMATHABANG: Tjhe, ho a utlwahala ha o rialo, ntate, mme le nna ha ke bone lebaka la hore ke o tshware ka pelo hape, etswe hono ho ke ke ha ntswela kgomo le kgale. (O kgutsa motsotswana.) Jwale re qeta jwang he bothateng boo?
THABANG: Moo teng ke nnete, moshaneso, empa ho ka etsahala hore leha e le taba tse monate jwalo ebe di dula ha bohlokonyana ho ba bang.
MABOKELLE:O re ke sa tla di hopola na ntho tse ngata hakaale na mosadi, ha e le moo botsofadi le bona bo se bo ikakgetse ka setotswana tjena.
MODISE: Bua, monna, o tlohelle ho lla tjena. Monna ke nku ha a lle!
SEBOLELO:O itshwetse mokgubu ka mathe, bua o tlohelle ho hoshola tjena ka pela ka.
SEBOLELO: Le nna ke hlokometse jwalo, mme, ke ka hoo ke tlileng lapeng mona hore wena le ntate le ke le nthuse ho kopanya boko tabeng ena. Ke entse qeto le pelo ya ka hore maqhama ohle a neng a nkopantse le aubuti Thabang a hle a felle hona mona hanghang. Ke bona ho le molemo hore ke mo hlale, ho hle ho fele ka nna le yena.
MODISE: Mosadi, na o ne o tseba hore le ho fihlela lena le hodimo Thabang ha a eso ka a lefa tjhelete yane ya mahadi eo e sa leng e salla morao ha re ne re ilo mo nyalla?
THABANG:(O mo kena hanong.) Feela hono ha ho bolele hore ke tshwanetse ho hlala Sebolelo. Hona batho ba tla reng feela ha ke hlala Sebolelo, empa e le moo re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane Na ha o bone hore ke tla be ke iphetola setshehisa sa Rammolotsi moo, Palesa?
DIKELEDI:O makatswa ke seo ke se bolelang jwang empa le wena o ntse o ipona hore ha o a phuthuloha le sefahlehong Kapa o se o kula na, mosadi, ha e le moo o ipipeditse maikutlo hakaale?
DIKELEDI: Tjhe, ha ho nang leha o ila keletso tsa ka sekgethe tjena, ke kopa hore o nke qeto e tla o kgotsofatsang, ebile o se ke wa dumella maikutlo ho laola pelo ya hao, etswe Satane o leka motho ka tsela tse ngata, ngwaneso.
DIKELEDI: Mokete ona o ka nna wa atleha, empa hono ha ho bolele hore taba ena o be o se o e lala ka mmele, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ipeha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ntho e ntenang ka Thabang ke hore ke mohwebi, mme o a hlompheha; ho hang ha a lokela ho tshosa motho ka hore o tlilo mo fenetha. Motho ya buang jwalo a ka hlahlelwa dilemo tse ngata hampe tjhankaneng kwana, le bohlale bo be bo mo timelle.
THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, athe o ne o tiisitse maobane ha o ne o re re qhelele moketjana thoko Na ha o bone hore ena e tla be e le phoso e kgolo ka ho fetisisa na, mohatsaka..?
THABANG: Ako butle hanyane hle, monna Molefi, o ke o mphe tharollo hore ditaba di sebetswa jwang ha ho se ho le tjena.
MMATHABANG: Ekaba ke eng e kaale e o ngongorehisang ka Thabang na, ntate?
SEBOLELO: Ke a utlwa hore o di tshetleha jwang, ngwaneso, empa leha ho le jwalo o ke ke wa lemoha bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyamella hara bona. Ha ke kgolwe hore o teng motho motseng mona ya ka kgolwang tseo nka di buang ka aubuti Thabang.
THABANG: Feela, ntate, ekare o sekametse ka lehlakoreng la Sebolelo haholo, hoba ha ke re ke ntsha maikutlo a ka ha a batle, o nqosa ka hona le hwane.
THABANG: Ke bile sethoto haholo ka hore ke iphumane ke kene dikamanong tsa marato, empa nna le wena re ile ra hla re etsa kano hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ho bua nnete ke ile ka kgahlwa ke none e feta e qhiletsa yaba ke wela lerabeng la yona. Ke moo he ke ileng ka kena leratong le Palesa Lebajwa elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha. Taba tse bohloko ke hore o tletleba ka hore ke mo robile lengole jwale.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka kgobang matshwafo ka teng ha ho le tjena, Dikeledi. Ke lokela ho ruta Palesa molao, mme ha e le nna le aubuti Thabang se neng se re kopantse se fella hona mona. O se a tla bona hore o hela a itlamela jwang le Palesanyana eo wa hae, mme nna ke amohetse hore mohope wa silivera o pshatlehile ho pshatleha.
MABOKELLE: Ke itse o tlohelle ho hlapaola bomokgotsi hle, mosadi. Ho ena le hore o qose Thabang a le mong, o batla ho sheshenella batswadi ba hae.
THABANG: Ee, ke nnete ke ile ka kgopisa pelo ya hao ha ke ne ke rialo, feela ke ile ka lemoha ha morao hore ke ne ke sa tshwanela e be ke buile jwalo le wena. Jwale he, Palesa, ke yona taba e ntlisitseng kwano hore re tle re e tshohle hantle re iketlile.
THABANG:O tle o leke feela o re o tshwenyana le mosadi wa ka feela, o tla e bona tosa le madinyane a yona. Mapokaetsi ana a tletseng ka kelellong ena ya hao a tla fela ka ho panya ha leihlo ke a jwetsa.
MABOKELLE: Mathata a mofuta nngwe athe lelapa le leng le le leng le na le mathata. Ho fetafeta moo ntwa ke ya madulammoho.
SEBOLELO: Le nna, mme, ke utlwile bohloko bona bo sa tsweng madi ke ketsahalo ena, mme ke ka hoo ke ileng ka bona ho le molemo hore ke ngale lapeng leno, etswe ke kgale a nkutlwisa bohloko ka dintho tse ngata empa ke mamelletse feela.
MMASEBOLELO:(A keleketlisitse meokgo.) Ngaka, hantlentle hobaneng le re sebetsa hampe tjena?
PALESA: Ke tshwanetse hore ke di je dipekere hobane o ile wa ntlotlolla hampe le hoja ke ne ke o tshepile. Empa hona jwale o ntlhanohetse ho ntlhanohela hoo o seng o batla le ho kena pooneng ha mokuru o se o sibile, mme le jwale ke sa tjho bo! tlapa le tla thella ka Raboshane haeba o nahana o tla ntshinya ke le mong thankgeng ena.
MABOKELLE:E-e, Mmasebolelo, ha se molato wa rona ha Sebolelo a hlahetswe ke kotsi. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshwarahana mme re mo tshehetse mahlabeng ao a leng ho ona ha jwale.
SEBOLELO: Ke re ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka tjhetjhellang morao ka teng ha ho se ho le tjena. Ebile ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi ya ka dulang le monna ya tsamayang a jalajala bana hohle moo a tsamayang teng.
THABANG: Tjhe, o se ke wa ikopisa hlooho ka sephoqo seo. Na ha o bone hore motho eo hlooho ee ya hae ha e nke hantle?
MODISE: Monna, o kopa tshwarelo jwang athe ho se ho phethahetse Hona ha o kopa tshwarelo tjee o nahana hore molato o o o entseng o tla hlakoleha jwang?
MMASEBOLELO: Ke se ke itse setsweng ke hole bo ntate! Nke ke ka tatela boqheku ke sa le motjha tjena, etswe ho sa le hole haholo moo ke yang teng, mme thota yona e sa namme eo ke lokelang ho e hahlaula. Ha e le boqheku bona boo le ratang ho bo tlamelletsa bo tla ntlhasela ke se mona le mona, ke le hole le dibaka.
SEBOLELO: Ke ka hoo o mponang ke le mona ka nako ena, mme.
MMASEBOLELO: Ntate ke kgale ke o jwetsa hore bana bakgotsi ba rona ba fapane le ho loka ka nnete, mme ha o a ka wa ahela mantswe a ka lesaka ha ke ne ke o hlaba malotsana. Hona jwale ke bana ba bontsha mebala ya bona ho enwa moradi wa rona ho tiisa mantswe a Sesotho a reng phokojwe ha e tshela moedi e pata mohatla.
MMASEBOLELO:E-e, mosadi, nkarabe pele o ka ilo beha dithoto tseo tsa hao. O re ho etsahalang ha eka o se o falla ha hao tjee?
NGAKA: Ke a leboha, ntate. (Ka pelohlomohi.) Ke maswabi, batswadi ba ka, re lekile matsapa ohle a rona, empa ka bomadimabe...
E mpile feela ya eba bomadimabe hore ebe o ile a betwa ke pelo ha a tla hlahelwa ke kotsi ena. Le nna ke ile ka leka ho buisana le yena hore a kgaohane le ntho tse ngata, mme yena o ile a bona hore a ilo qholotsa Palesa. Feela leha ho le jwalo haesale taba ena e mo dutse hampe hore ebe Thabang o robile ngwanana e mong lengole empa e le molekane wa hae.
MMASEBOLELO:O batla ho ya kae jwale o ferekane maikutlo tjee, Sebolelo?
MOLEFI: Ho tla jwang hore e be re ke ke ra utlwisisa taba tse monate ka ho tshwana na, monna?
MMATHABANG: Ako tlohelle ho itiisa pelo tjena hle ntate.
SEBOLELO: Ee, ke ikemiseditse ho hlala, mme. Hohang ha ho na ka moo nka dulang le motho ya boitshwaro bo hlephileng tjena, ya tsamayang a jalajalana le bana hohle motseng mona. Ebile ha se lekgetlo la pele ke mo kgalema, empa a sa mamele. Jwale ke etse jwang ha ho le tjee Tlhalano ke yona feela tharollo hore e mong le e mong a inkele tsela ya hae?
Lapeng ha Modise. Ba iketlile ka phaposing ya ho phomola.
THABANG:O a tseba, ha eba o ne o tseba mathata ao o nkentseng hara wona o ne o ke ke wa keketeha ha monate tjena.
MMASEBOLELO: Le jwale ke tshwanetse hore ke se ke ka kgoba matshwafo, hoba tsena tsohle di etsahetse ka lebaka la rona. Sebolelo o ile a re bolella hantle hore o batla ho hlala Thabang, mme rona ke ha re sa mo tshehetse morerong wa hae. Jwale ke mona o hlahetswe ke kotsi ka lebaka la yena Thabang.
MABOKELLE:E seng jwalo hle, ngwanaka, feela ntwa ke ya madulwammoho.
PALESA: Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, aubuti Thabang, empa ntho e nngwe to! ka monwana e etsang hore ke dule ke kgwabitlwa ke letswalo ha ke nahana ka yona.
KGAOLO YA 5 Pono ya 1 Ke ha Palesa. O ka phaposing ya ho robala mme o itokisetsa ho ya mosebetsing.
THABANG: Ke kopa hore re di etse molatsa tseo, Sebolelo, re tsebe ho phura leshetla ka taba ena...
SEBOLELO: Ke mabapi le lenyalo la ka Ekaba ho se ho etsahetse eng na jwale?
THABANG: (O a bososela.) Ka ba ka utlwa ke ba morolo ha o rialo, moratuwa wa ka. Le nna ke kopana hlooho ena hampe ha ke o hopola. Ka nako tse ding ke be ke ipotse hore le tla tjhaba neng ke tsebe ho tla bona pabala ya bophelo ba ka. Ke tjho le mosebetsing mane ke se ke touta ka wena feela, Palesa wa ka. (Ba a tsheha.
PALESA: Ka thaba ka utlwa monate ha mantswe ao a etswa molomong wa hao. Ka nnete ke tlala morolo ha e le mona o utlwisisa maikutlo a ka ka botlalo. Ha ke tsebe hore ke ne ke tla ba wa mang hoja o ne o ka satalatsa molala tabeng ena, moratuwa. Ke lebohile ho menahane ka nnete.
THABANG: Ha ke o tlele ka bohlanya, Palesa, empa ke re ha o qeta ho beleha ngwana eo o mo tlise kwano ho nna, mme ke tla bona hore ke tswa jwang le yena.
DIKELEDI: Ho lokile, feela nkemele pele ke hlalose hanyane hore ke le tshwaretse dife. Jwale ke tla hlalosa jwang ha e le moo mme yena a se a nqhobella majwe hanong.
DIKELEDI: Se ise pelo mafisa tjena, Sebolelo, Thabang o tla tloha a fihla hona jwale tjena. Mokgwa hae ke mo tseba e le motho ya sa keng a hlanohele ditshepiso tsa hae. Ho fetafeta moo ha ke utlwisise hore hobaneng o ngongorehile tjena hoba Thabang ha a eso ka ba a o etsa hampe.
PALESA: Ke nna ka sebele, ratu.
DIKELEDI:(A phahamisitse matshwafo.) O batla ho reng na jwale, ntate ngaka. O se ke mpe wa re Sebolelo o...
THABANG: (O mo kena hanong.) Ha eba ha o kule hobaneng o ne o ikopa ho ya ngakeng?
Pono ya 1 Ke lapeng ha Mabokelle. Shwalane e wele jwale mme ditiletile le tsona di a phethesela mebileng mona. Sebolelo o fihla habo a imetswe haholo ke dithoto tsa hae, mme mokokotlong o pepile Pontsho.
NGAKA: Ke o tjhaella monwana tabeng eo, ntate, mme ka ho rialo ha ke bone ho hlokeha hore le ingongorehise tjena, etswe ntjapedi ha e hlolwe ke sebata.
THABANG: Ha ho hlokehe hore o lebohe hle, moratuwa. Ke itlamme hore ke tla tlisa thabo ka hohlehohle pelong ya hao, mme ha ke bone lebaka le ka etsang hore ke o tshware ka pelo tjena.
MMASEBOLELO:(O opa diatla) Basadi! Tjhe, mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
MMASEBOLELO: Tjhe, o bona ditaba ka leihlo lesele, ngwanaka.
Diketsahalo tsa pale ena di itshetlehile haholo maphelong a banyalani ba babedi e leng Thabang le Sebolelo. Ho ya ka kutlwisiso ya hao ke molaetsa ofe oo mongodi a lekang ho o fetisa ka tshwantshiso ena?
SEBOLELO: Aubuti Thabang o boetse o qadile tse ding hape, mme.
THABANG: Feela ke leka ka thata ho phahamisa maemo a kgwebo ena.
MABOKELLE: Ha se hore ke kgahlanong le maikutlo a hao, feela bothata ba hao ke hore o dula o etswa lekoteng ha motho a re o tshohla ditaba le wena. Ha ke tsebe hantlentle hore o tla tlohela mokgwa ona wa hao neng, mohlang ho itsweng, ke mang le hona!
THABANG: Ha ke tsebe jwale hore ke tla hlalosa ke reng hape.
PALESA: Ha eba ke lehlanya, a se ke a tlo hlanyetsa ho rona mona, a hlanyetse diheleng kwana.
MMASEBOLELO:(O a lla.) Jwale ha e le moo o bolela hore le ilo mo etsa oporeishene rona re tla mmona neng na?
Ho nkgono Mmadineo Letshaba, robala ka kgotso Modibedi, re tla dula re o hopola.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei wena, mmadiberwane towe, o re monna wa mang ke qati o a lomisanwa?
SEBOLELO: Ha ke eso ka ba ke o rohaka, feela ke mpa ke leka ho o loma tsebe hore Thabang ke monna wa ka, mme ke ntse ke mo rata le ho feta ka moo wena o ka nahanang ka teng. Ebile o se ke wa itlotsa meno ka enke hore ha o ithwetse ngwana wa hae o tla atleha mererong ya hao.
SEBOLELO: Se tshwenyehe ka nna tjena, Dikeledi. Ke bua nnete ha ke re ha ho letho le ntshwenyang, ntle feela le yona ntaramane ena eo ke ntseng ke lla ka yona ha jwale.
MMASEBOLELO: Tjhe, ho a utlwahala jwale ha o rialo, ngwanaka. Ha re mpeng re di etse mohatla kgwiti pele di nka mothinya osele.
MABOKELLE: Tjhe, se tshwenyehe, mofumahadi. Taba eno re tla e tshohla hang feela ha re phethetse moketjana ona wa boSebolelo. Ha jwale mosebetsi e sa le wa motonanahadi mane ha Modise.
MMASEBOLELO: Tseo o di buang e sa le dinyane papisong le tseo moradi a mpolelletseng tsona. Jwale ka ha ke se ke boletse pejana, moradi o lla ka hore Thabang ha e sa le elwa wa maoba le maobane, a re o mo hlanohetse ho mo hlanohela, mme a re ka tsela e jwalo o bone ho hlokeha hore taba ena ya mokete e mpe e ebe tshomo ka matheto.
DIKELEDI: Na o tiisitse, mosadi?
MMATHABANG:E seng ebe mohlomong o lebetse ka taba ena, ntate?
<fn>Random.9780636072541T.WP.txt</fn>
MODISE: (Ka bohale.) Mmathabang, o a e bona jwale ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ka enwa Thabang?
THABANG: Butle ka ho ja dipekere tjena, Palesa.
SEBOLELO: Ke se ke boletse, ntate, hore ha ho hlokehe hore ke le bolelle tsa moo ke yang hona jwale. Ke a tla hona jwale tjena. (O tswa ka sekaja, mme o siya batswadi ba hae ba eme dihlooho).
SEBOLELO: Atjhe, mme, nna ha ke kgolwe hore ke tla kgona ho o tsipela taba ena ha jwale, etswe ke sa ntse ke ferekane maikutlo ha bohloko feela, mme ha ke tsebe le hore ke tla qala kae ke qetelle kae ha ho se ho le tjena. O robatsa Pontsho mme ha ba qetile ba fihla ba itulela ka foreising.
THABANG:O tle o leke feela o re o tshwenyana le mosadi wa ka feela, o tla e bona tosa le madinyane a yona. Mapokaetsi ana a tletseng ka kelellong ena ya hao a tla fela ka ho panya ha leihlo ke a jwetsa.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Mabaka a mofuta nngwe na O dula o ntse o fihla ka morao ho nako ka mehla, mme ho powaneng hore ha o hlajwe ke dihlong ke manyampetla ana ao o a etsang. Ntho e nngwe le e nngwe o e etsa ka sebete, o sa natse le ho natsa hore mang o tla reng ho wena?
THABANG: Ho lokile, ke a tsamaya, empa o dule o tseba hore ha ke sa na taba le wena le bohloohothata bona ba hao. Ha jwale ke ipatlela ngwana wa ka feela. Ee, ke nnete hore sethatong ke ne ke batla ho itatola, empa ha jwale ke se ke fetotse mehopolo. Sena seo ke o jwetsang sona ha jwale ha se papadi kapa bona boswaswi, empa ke nnete ena e tswileng matsoho.
THABANG: Ha ho hlokehe hore o lebohe hle, moratuwa. Ke itlamme hore ke tla tlisa thabo ka hohlehohle pelong ya hao, mme ha ke bone lebaka le ka etsang hore ke o tshware ka pelo tjena.
THABANG: Ha ho na hore nna le wena re ka tshwana, etswe o a tseba le wena hore batho ha ba lekane e se meno. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore ke llele ho tshwana le wena.
THABANG: Ha e hate ka maro bo letona!
MOLEFI: (Ka bohale.) Ha ke na taba le tumedisonyana eo ya hao, monna.
PALESA: (O mo kena hanong.) Ke butle hanyane ya eng jwale Ha ke re le wena o ne o ntlatseditse marata jwalo ka ha eka ke lehlanya maobanyana moo ha ke ne ke ile ho wena lebenkeleng mane Na o ne o lebelletse hore ke tla ikutlwa monate ke tsela eo o neng o ntshwere ka yona ha ke ne ke tlile ho wena Hona o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang ha o mpolella sefahlamahlo hore ngwana eo ke mo lebelletseng ha o mmatle?
Ke sepetlele mme boMmasebolelo ba dutse ka phaposing ya baeti. Ngaka e sebetsang Sebolelo e fihla ho bona ba sa ntse ba letile jwalo.
PALESA: Ke tshwanetse hore ke di je dipekere hobane o ile wa ntlotlolla hampe le hoja ke ne ke o tshepile. Empa hona jwale o ntlhanohetse ho ntlhanohela hoo o seng o batla le ho kena pooneng ha mokuru o se o sibile, mme le jwale ke sa tjho bo! tlapa le tla thella ka Raboshane haeba o nahana o tla ntshinya ke le mong thankgeng ena.
THABANG: Ntate, ke itse ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale jwalo ka ha a se a boletse, a mpe a ntokollele Pontsho he. Empa ka ho rialo ha ke bolele hore ha ke sa mmatla. Ke ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle, mme ke hloka feela tshehetso ya lona, batswadi ba ka, leha feela ntate a sa batle ho utlwa letho tjena.
DIKELEDI:O tla nkinela matsoho metsing he, motswalle. Ha ke re jwale ke buiswa ke hona ho ngongoreha hona ho hokana, etswe matsatsing ana haesale o ntse o sa phuthuloha hohang, mme nna ke ne ke hopola hore taba ena ya hore o batla ho hlala Thabang ke yona e hlileng e o hwayahwayang ha bohloko tjena.
MODISE: Le nna ho feela ho le jwalo, mofumahadi. Feela ntho e ntenneng ka ho fetisisa le jwale ke ena ya hore o nqobelle ho ya kopela Thabang tshwarelo bohweng ba hae, mme ka morao ho moo ebe ho sala ho dubehile. Ho etsa jwalo e ne ekare re tshehetsa Thabang mererong ena ya hae e ditshila. Le jwale ke entse phoso bo! hore ebe ke ile ka kopela moleko o kang ona tshwarelo.
THABANG:(O hoa Sebolelo a habile ho tswa monyako.) Sebolelo, o ka se tsamaye pele re qeta ho tshohla taba ena.
MMASEBOLELO: (O a hlwephetsa.) O tjho Palesa Lebajwa O re Palesa ke yena ya (O a se kgitla?
THABANG:(Ka ho makala.) Athe ebile e re ama ka bobedi?
Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Sebolelo o na le Mmasebolelo.
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e bo! mosadi. Ha ho ke ho buuwa jwalo hle. Ako lese ho itshela ka meokgo tjena. Bua, o re hobaneng o nahana hore Thabang ha a sa o rata.
DIKELEDI:O bolela hore o ne o batla hore a o eletse ka kgang ena ya ho hlala Thabang?
SEBOLELO: Ho bua nnete aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata empa(O qalella ho lla.) Ho thata hore nka lebala sekgobo sena seo a nkentseng sona le Palesa, mme le jwale pelo ya ka e ntse e tletse moya wa boiphethetso feela.
MABOKELLE:E-e Mmasebolelo, ha ke re o sa tswa hlalosa hore lebaka la bona la hore ba se ke ba re dumella ho ya bona Sebolelo ha jwale ke lefe. Ke tshepa hore ba tla re dumella ho mmona ha ba se ba qetile ka mosebetsi wa bona.
MOLEFI: Mokgwaka ha ke tshohe moru o se nang nkwe jwalo ka ha o nahana, monna Thabang, etswe keb a tseba hore makwala mokgwa ona a rata ho etsa lerata, empa motho wa teng a ntse a tseba hantle hore ha ho kwae koomeng ho yena mona.
SEBOLELO: Wena ho tshwana feela leha motho a ka a o tshwarela. O phethaphetha phoso e le nngwe hangatangata ho fihlella motho a be a teneha. Hona jwale o tletleba ka menyako e sa notlelwang. Hosane mona o tla be o kena o itjelletse kgera, o tletleba ka ntho tse ding hape. Ke o tseba o le jwalo mokgwa hao, aubuti Thabang. Ha o ke otlohele batho feela leha o ka wa ba fumana ba hlabile kgobe ka lemao. O tla nne o dulele ho komakoma ka ntho ena le nthwane, mme ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o bolela hore o ntse o tlilo re fenetha nna le Pontsho.
MABOKELLE:(Ka ho teneha.) Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, ha ke ithute wena. Ka mehla o fapana le seo motho a o botsang sona, o ipuela ditsiebadimo feela. O tla dulellana le ho inanatha ho fihlella motho a be a teneha, a se a sa batle le ho utlwa taba ho ya pele.
MMASEBOLELO: Hohang ekare o leleme monna enwa ha ke mo sheba tjena. Ba mpa feela ba re etsetsa lonya hore re se ke ra bona Sebolelo.
MODISE: Ke itse tlhaloso ya hao ha e hlokehe hona jwale, etswe Sebolelo o ile a feta le kwano, mme o se a re jwetsitse tsohle ka boitshwaronyana bona ba hao bo hlephileng. Ho fetafeta moo o ile a ba a re bolella le mahlabisadihlong ana ao o a entseng.
THABANG: Ke kopa hore o nkemele pele ke qete ho hlalosa.
MABOKELLE:O ya kae na jwale, Sebolelo Ha ke re o a tseba hore re lokela ho phura leshetla pele?
PALESA: Haeba ha se tsona tseo o di tletseng kwano o tletse dife, etswe ke hopola hantle hore o itse ke se ke tla hela ke itlamela ke le mong?
PALESA: Tloha mona! Na ha o tsebe hore monna ke qati o a lomisanwa?
DIKELEDI:O se a qadile dife na jwale Thabang, Sebolelo!
MMATHABANG: Le nna ke mantswe a ka ao, ngwanaka, mme ha ho letho leo nka le tshetlehang ho ya pele. THABANG: (A sekisitse meokgo.) Ke a leboha, batswadi ba ka.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Dikeledi motswalle, ka nnete ha ke kgolwe hore aubuti Thabang o sa ntse a nthata jwalo ka pele ha re ne re qala ho kena lenyalong. Ka nnete ke utlwa le pelong mona hore ho teng se mo sitisang ho ka nthata jwalo ka...
MABOKELLE: Le nna ke ntse ke kgathetse jwalo ka wena, ngwanaka. Ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo kaofela ho eso be le nko ho tswa lemina dingakeng tsena tsa mona, mme hono ho bontsha hantle hore ba sa ntse ba le maphathephathe ka yena.
DIKELEDI: Butle le wena, mosadi, ka ho ithoba pelo tjena. O re ho se ho boetse ho senyehile kae na hape?
MMASEBOLELO:(Le yena matshwafo a phahame.) Bua hle, ngaka. O re ho etsahalang hantlentle?
MOLEFI:E hate ka maro ka mabaka afe Ke batla ho bua hore ke tshwele mahlwele ohle a imetseng pelo ena ya ka, mme ke tla thola ha feela o ka wa mpha qeto ya moshwelella hore na re tswela pele mmoho ka kgwebo ena kapa tjhe?
THABANG: Phoso e tsamaya le mohatisi hle, moratuwa...
DIKELEDI: Tjhe, ha se hore ha ke o kgolwe, Sebolelo, empa feela ke ngongorehiswa ke maemo ao o leng ho ona kajeno, mme taba di mahlong ho re ha o a thaba hohang. Leha feela o batla ho latola seno, empa nna ke sa hatella hore ntaramane ena eo o reng e o tshwere ha se yona feela e o thefutseng maikutlo tjena. O a tseba ho bohloko jwang ho ipipetsa maikutlo ka ditaba o sa di jwetse batho ba bang, mme leha o le makaqabetsing ha ho na motho ya ka o utlwelang bohloko, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing. Jwale he, ngwaneso, nna ke o kgothaletsa hore o phunye seso, boladu bo tswe, hore o tle o imolohe mathateng.
PALESA: Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, aubuti Thabang, empa ntho e nngwe to! ka monwana e etsang hore ke dule ke kgwabitlwa ke letswalo ha ke nahana ka yona.
SEBOLELO: Ka nnete, Dikeledi, nna ke a ipotsa hore hobaneng ha pelo ya ka yona e dula e sa thaba tjena, empa tsa ba bang tsona di lokolohile, di bile di thabile. Nna ka mehla ke dula ke futswela bohobe ka menyepetsi feela.
MODISE: Tjhe, ha ke bone ho hlokeha hore ke hanane le wena ha o re re bitsetse Thabang kwano lapeng hore re utlwe ntlhakemo ya hae tabeng ena pele ho eba mafekefeke ho feta mona.
MMATHABANG:O a tseba ke ne ke sa lebella hore tsena tsohle di ne di ka etsahala, ntate.
THABANG:(O a mo aka.) Banna wee! Ha ba ha re kokololo! Mmele le ona ka ba ka utlwa ekare o tsamauwa ke dikokwanyana.
SEBOLELO:(O iphumola dikeledi.) Tjhe, ke tla le jwetsa ha ke kgutla, ha jwale nako e nkeme ka mosing.
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke swabile nko ho feta molomo ke qeto ena ya boSebolelo ya ho qhelela thoko moketjana wa bona wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng ba fetotse maikutlo ka pele tjena le hoja rona re ne re sa ile le kgongwana hodimo.
THABANG: Ema hanyane feela, nke ke ka o senyetsa nako.
SEBOLELO: Tjhe, ho thata ho bile ho a nyolosetsa, ngwaneso, mme ha ho potang hore re se re phelela ona feela mahlomola ana.
SEBOLELO: Ee, ke tiisitse le jwale, Dikeledi.
SEBOLELO: Ha ke hloke matsatsi a phomolo, ke ntse ke phetse hantle.
SEBOLELO: O se ke wa ba wa leka wa kenya Pontsho hara taba tsena hoba ha o mo etsetse letho. Ke re le hona jwale ha o tsebe hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a fumane mohlokomedi ha re ile mosebetsing. Maobanyana mona o ne o eme ka lerapo thabeng, o hana hehehe! ho lefa mme Mmamohapi moputso wa hae ha e le mona a re etsetsa mosebetsi o tswileng matsoho tjena ka ho re salla le ngwana ha re le siyo, re ile mosebetsing. Jwale ha ke utlwisise hore hobaneng o batla ho sebedisa Pontsho jwalo ka thebe ya hao ha mathata a o hlwele setha hodimo.
THABANG: Wena o ne o re ke etse jwang na ha ho le tjee Ke itatole lona lesea leo Hona ha Sebolelo a ka a tseba taba ena teng ke tla e hlanaka jwang?
SEBOLELO: Ke ne ke tla notlela jwang empa o eso fihle le ho fihla, aubuti Thabang Mehleng o hlola o bolela hore re tlohele ho o notlella ka ntle pele o fihla, le teng ha ke sa notlela o sa ntse o lwana hape. E le hore o motho ya thabelang eng hantlentle, aubuti Thabang?
MMATHABANG: E-e bo! ntate, se ka ntshosa hle.
SEBOLELO: Ke eng yona ntho eo o batlang ho e bua le nna THABANG: Kgoba matshwafo hle, Sebolelo. Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba e pakeng tsa ka le wena, ke ka hoo ke kopang hore mme a re adime motsotswana feela hore re tle re itshebe hanyenyane?
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama hape.) Ako tlohelle ho ahlamisa molomo tjena ha ke bua le wena.
MMASEBOLELO: Butle hle ka ho re rwesa mantswe a bohloko tjena, Sebolelo. O a tseba mantswe ana a hao a ntlhaba pelo ha bohloko.
SEBOLELO:O itshwetse mokgubu ka mathe, bua o tlohelle ho hoshola tjena ka pela ka.
SEBOLELO: Ke bolela yena eo, mme.
PALESA: Ho lokile, ke tla o jwetsa yona ha feela o ka mphetisa mona pele, moratuwa.
MABOKELLE:E-e, Mmasebolelo, ha se molato wa rona ha Sebolelo a hlahetswe ke kotsi. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshwarahana mme re mo tshehetse mahlabeng ao a leng ho ona ha jwale.
SEBOLELO: Ha ho le jwalo ke o neha metsotso e mehlano feela.
THABANG: Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo!
PALESA:O a tseba ha ke kgolwe hore ke wena ya ka buang jwalo le nna, aubuti Thabang. Ho hang ho tu! o motho wa ho qetela eo ke lebelletseng ho utlwa mantswe ano ho tswa molomong wa hae.
PALESA: Sebolelo, ha ke na taba le sehole seo sa hao sa monna, empa ha e le ngwana yena o tla mo lefella tjhelete ya phepo hore ha ho le tjena a be a re habore! a sa e lema. Nna ke Palesa, moradi wa Lebajwa.
SEBOLELO:(Eka ha a dumele hantle.) O reng, aubuti Thabang Kapa basadi tsebe tsee tsa ka ha di sa utlwa hantle na?
THABANG: Ha ke tsebe jwale hore ke tla hlalosa ke reng hape.
NGAKA: Ke a leboha, ntate. O a tswa.
THABANG: Sebolelo moratuwa, ke kopa hore o nkinele matsoho metsing mabapi le taba yane ya maobane. E ne e se maikemisetso a ka ho roba moya wa hao ka tsela e jwalo. Ke a tseba hore ke kgale ke o sitela nthong tse ngata, empa ke a tiisa ke a hlapanya, kgetlong lena teng nke ke ka hlola ke o utlwisa bohloko hape. Ke bua ke tiile ha ke re ho wena leihlo le fahlwa le shebile, mme le nna ke se ke itshwetse mokgubu ka tsela e jwalo.
o itokisetsa ho ya mosebetsing.) PALESA: Basadi! ke eng eka diaparo tsa ka kaofela di ke ke tsa hlola di ntekana hape tjee. Ebe jwale ke tla etsa jwang jwale ha ho se ho le tjee Tjhe, ha ho potang hore ha ke tjhaisa thapama ke tla lokela ho fapohela ka mane ka mabenkeleng hore nke ke bone hore ke fumana eng eo ke tla e apara matsatsinyaneng ana. (Ho a kokotwa monyako.) Jo! ekaba ke mang jwale ya nkokotelang hoseng ho hokaale Ka nnete haeba ke Thabang, o tla tswa mona ka ntshwe di sa fohlwa. (O a tswa ho ya bula monyako.) Kena! (Ka ho nyaroha.) Sebolelo! Helang basadi! jwale wena o behwa ke eng kwano?
SEBOLELO: Le nna ke hlokometse jwalo, mme, ke ka hoo ke tlileng lapeng mona hore wena le ntate le ke le nthuse ho kopanya boko tabeng ena. Ke entse qeto le pelo ya ka hore maqhama ohle a neng a nkopantse le aubuti Thabang a hle a felle hona mona hanghang. Ke bona ho le molemo hore ke mo hlale, ho hle ho fele ka nna le yena.
SEBOLELO: Dumelang ka lapeng hape, mme le ntate! MABOKELLE: Dumela le wena, ngwanaka! MMASEBOLELO: Dumela, Sebolelo! Ekaba le hlotse jwang kajeno Rehauhetswe moo le bana baa ba lona ba ditlokotsebe SEBOLELO: Tjhe, re hlotse hantle haholo, mme, ha ho molato ka nnete?
SEBOLELO: (Ka ho tshoha.) Jo! o ntshetsa nna thipa, Palesa PALESA: (A tshwere thipa a se a ntse a le malalaalaotswe.) Ke batla ho o bontsha hore nna ke mang ha e le kajeno lena. Ke kgale ke utlwela hore mokgwa hao o a tella, mosadi towe?
THABANG: Ee, ke nnete ke ile ka kgopisa pelo ya hao ha ke ne ke rialo, feela ke ile ka lemoha ha morao hore ke ne ke sa tshwanela e be ke buile jwalo le wena. Jwale he, Palesa, ke yona taba e ntlisitseng kwano hore re tle re e tshohle hantle re iketlile.
SEBOLELO: Tjhe, ha ho jwalo, mme.
MMASEBOLELO: Feela, ntate, nna ntho eo ke e labalabelang ha jwale ke ho bona ngwana wa ka hore o jwang. Hohang ke batla ke tshwenyehile hampe moyeng ke maemo a hae a bophelo, etswe hoja e ne e se ka rona a ka be a sa wela molekong ona wa dihele.
MODISE: Nna ha ho na moo ke yang teng, mofumahadi. Thabang ke yena ya iphehletseng lesheleshele lena, mme o tla lokela ho le habola. Ka tsela e jwalo ha ho na moo ke kenang teng ha ho se ho le tjena, etswe ke dintho tse entsweng ka boomo tsena.
SEBOLELO: Ha ho letho la hao leo ke le mamelang mona. Mokgwa hao o lemao le ntlhapedi. Ebile ke lemohile hore o tena o itshwara tjena hobane o batla ho mpakisa hore ke dule ke ntse ke sekisa meokgo. Hommeng he ke se ke itse setsweng ke hole ho nna mona. Nke ke ka o dumella hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka hape.
MMASEBOLELO: Ha ke re tsena tsohle di etsahala tjena o le sekolong, ngwanaka. Jwale re ile ra bona ho hlokeha hore re shebisane ditaba jwalo ka batswadi, etswe re ile ra feta mona moo le leng teng kajeno.
MMATHABANG: Ntate, ke eng ekare o tshwara ngwana ka pelo jwale?
MMASEBOLELO: Nna, ngwanaka, ke bona ekare monna enwa wa hao ha a tshabe batho ka nnete, mme ke sa lomahanya meno le jwale hore o lokelwa ke ho rutwa molao pele a ka a etsa manyala a fetang ana ao a a entseng. Hohang ke re o nkgitlile dibete moshemane eo. Mokgwa hae o rata ho phokwa jwalo ka tshintshi. Maobanyana mona le tenne le qhelela thoko moketjana wa lona ka lebaka la hae, mme ho ena le hore a itshwele mokgubu bakeng sa tseo, ke enwa o se a qala tse ding hape. Ho bolela hore ha a ikemisetsa ho baka mekgweng ena ya hae e ditshila.
PALESA: Ha ke kgolwe hore o teng motho ya neng a ka tlohella lehlohonolo le mo feta a ntse a bona. O tsebe hore rona basadi re batho ba ratang ho tshwarwa jwalo ka dikgalase, mme ka mehla re batla mofuthu wa lerato moo o leng teng. Ke ka hoo ke sa kang ka qeaqea ho o amohela ka diatla tse mofuthu ha o ne o mpolella hore o tjha mpa le seatla ke nna. Le leng la mabaka ke hobane ke phetse nako e telele ke le mong, ke se na molekane.
THABANG: Sebolelo, ako tlohelle ho ntsosetsa diletseng tjena hle. Ke neke hopola hore taba eo o se o e lebetse, athe e sa ntse e le ntjha tjha! ho wena le kajeno.
MMASEBOLELO: Oo mohlolo nke ke ka o dumella le kgale tlong ena, Sebolelo, mme ke bona le sefahlehong sena sa hao ka moo se edileng ka teng hore ntho e kgolo eo o batlang ho mpatela yona. Feela ha o sa ntjwetse yona ha jwale e tla o ja o le mong ke o jwetse.
MOLEFI: Tjhe, ke maswabi haholo, monna, hoba le nna ke le tjena ha ho letho leo nka le etsang, etswe ke kgale ke o kgalema hore o itshole tabeng tse hole le wena, yaba o ikwala ditsebe ka leshoma. Ako bone feela sekgobo seo o itjarisitseng sona hona jwale ka lebaka la manganga ana a hao.
PALESA: Ka thaba ka utlwa monate ha mantswe ao a etswa molomong wa hao. Ka nnete ke tlala morolo ha e le mona o utlwisisa maikutlo a ka ka botlalo. Ha ke tsebe hore ke ne ke tla ba wa mang hoja o ne o ka satalatsa molala tabeng ena, moratuwa. Ke lebohile ho menahane ka nnete.
THABANG: Eng Ho hlalana SEBOLELO Ee, ha ho na e nngwe tsela ha e se hona hore re felle hona mona ka tema ya rona. Mohlomong wena le Palesa le tla natefelwa ke bophelo ha nka ka le siroha. Le teng o se ke wa tshwenyeha ka Pontsho, ke tla itlhokomella yena ka sebele?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Se ka mpitsa moratuwa wa hao. O tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa. Ha e le nna le wena se neng se re kopantse se fella hona mona, mme mohope wa rona wa silivera o pshatlehile. Ke qetile ha ke rialo jwalo.
SEBOLELO: Nna ka nnete ke sitwa ho utlwisisa hore le etsa ditumellano jwang ka bophelo ba ka, empa nna ke sa tsebe le ho tseba. Hona ke eng le ne le sa nkemele hore le utlwe ntlhakemo ya ka tabeng ee?
MOLEFI: Jwale o nketsetsa selotho seo ke sa tsebeng hore ke tla se pota ka kae ha nka ka re ke batla tharollo ya sona.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ho le jwalo o ne o batla hore ke etse jwang he ha e le moo o batla ho latola lesea jwalo ka Judase ha a ne a latola morena Jesu?
THABANG: Jwale o tswa lekoteng.
SEBOLELO: Ha ke na yona thahasello ya ho mamela mashano ana a hao a matala ao ke sa tsebeng hore o leba kae ka wona. O mpolelletse o sa pate letho hore o robile Palesa lengole, mme ha ke bone ho sa hlokeha tlhaloso e nngwe e fetang mona hape. (Ka ho phoqa.) Ntho eo ke dumelang hore o lokela ho e etsa ha jwale ke ho ya reka maleiri le lebese, etswe o se o le ntata Nnyeo.
THABANG: Le jwale ke sa ntse ke tlalletswe ke thota, hohang ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae ha ho le tjena.
MOLEFI:O ka be o sa ka wa itshwenya le ho itshwenya hoja o ne o tseba hore le tumedisonyana eo ya hao ha ke e hloke le ho e hloka. (Eka o feroha dibete.) Hore ke hlatse ha ke o sheba tjena, Mmadithatsana towe. (O a tswa, mme o ba siya ba le jwalo.
MMASEBOLELO: Na ha o sa mo rata Thabang ha o se o bua tjee na, mosadi?
SEBOLELO: Ke tshwanetse hore ke o honothele ka ha ke tsona tse entseng hore maemo ka lapeng ka mona a be a qetelle a se a sa jese ditheohelang tjena. Ke ka hoo ke reng ha ho na hore nka tlodisa diphoso mahlo hodimo empa ke ntse ke di bona. Le jwale ke sa tjho bo! setsweng ke hole! O ka mpa wa ilo wela matjoing kwana ha eba ho kgoneha!
DIKELEDI:O tla lokela ho ba loma tsebe e sa le ka nako pele o aha serobe phiri e se e jele. Banna ba bangata ba ile ba qeta basadi ba bona jwalo feela hobane ba ne ba lemoha hore basadi ba bona ke makwala, ba tshaba ho bua. Jwale he, motswalle, ke batla hore le wena o itlhokomele pele o ka iphumana o wetse hara moleko, etswe tsietsi e hlaha mabaka a fokola.
MOLEFI: Ho ka ba molemo haholo ha ho ka hla ha eba jwalo, kgabane yeso.
MMASEBOLELO:O batla ho hlala?
SEBOLELO: Ka nnete le nna ke le tjena ha ke tsebe hore hobaneng a ne a rialo, hoba tsena tse tswileng tseleng o di bua feela ha a bo kgile ka dikgopo. Le jwale ke sa eme le monna mateneng hore ho nkang sebaka ke eng ka yena ha e le hantlentle matsatsing ana. Ke lekile ho batla sesosa, feela ke hlolehile ho se fumana.
PALESA: Ka mantswe a mang ke nnete hore o ne o mpa o batla ho ntshebedisa feela?
MOLEFI: Kgele! wa tla wa lomahanya meno e le ka nnete he ngwana monna, le hoja nna ke sa kgone ho utlwisisa hore o lebisitse hokae ha o ipoledisa jwalo ka ngwana a thabetse dipompong tjena. O bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo o yang teng jwalo ka ha eka ke kgale o qhafutsa hara tebetebe ya mathata. Hona na haeno ha ba a ka ba o bolella hore motho o motle ha a bolelwa ke batho ba bang?
MMATHABANG: Ke mantswe a ka ao, ntate.
DIKELEDI: Le nna ke tshepa hore molao o tla hle o tiise letsoho nyeweng ena, mme ha ho na ka moo Palesa a ka phonyohang ka teng. O tla dula tjhankaneng moo ho fihlella dikgoho di be di mela manaka bo!
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate, ke yona mehlolo eo moradi a mphetetseng yona kajeno.
PALESA: Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla hore nna le wena re phele ka kgotso...
MMATHABANG: Ho thata e le ka nnete ha ho le jwalo, ntate, mme ke sa boela ke tjho hore ke swabile nko ho feta molomo ke tsena tseo o mpolellang tsona ka Thabang. Ebile ha ho potang le jwale hore ba bokgotsing ba ke ke ba hlola ba re tshepa hape, etswe bona seo ba se batlang ke teke feela, e seng ntho tse ngata.
PALESA: (Ka ho tshoha.) Jo! Ke eo a kwala mahlo. Ekaba ke tla etsa jwang jwale haeba o shwele moo (O leka ho mo sisinya.) Sebolelo! Sebolelo! Basadi! ha eka ha a arabe tjee. E re ke mpe ke letsetse ba dithuso tsa tshohanyetso. (O tswa ka sekaja?
MODISE: Na o se o kile wa ya ho ya mmona?
SEBOLELO: Bua he ke mametse.
THABANG: Ke kopa hore le nteballe ditshito tsa ka he, mme le ntate, etswe ke tiisitse ha ke re ketsahalo ena e nthobile moya e le ka nnete, mme ha ke tsebe hore nka hlalosa jwang maikutlo a ka hore le tle le nkgolwe.
SEBOLELO: Ke o utlwele bohloko ba ntho nngwe na O ntshenyeditse nako ho lekane. Ke ne ke hopola hore o tlilo tla ntjwetsa ntho e itseng tjha! athe o tlilo mpolella ka moo o leng kakapa ka teng ha ho tluwa tabeng tsa lerato. (Ho Pontsho.) Ha re ye Ngwanana Mmae, re siye enwa ntatao a maketse jwalo. (Ba a tswa, mme ba siya Thabang a eme le monna Mateneng?
PALESA: Ha eba ke lehlanya, a se ke a tlo hlanyetsa ho rona mona, a hlanyetse diheleng kwana.
MMASEBOLELO: Ntate, na o a elellwa hore monna enwa o re patela ditaba ka moradi wa rona?
MABOKELLE:O a tseba moshanyana enwa wa Modise o a tella, mme nna ke tloha ke mmata le sa tshelweng ke nta hona jwale tjena.
DIKELEDI: Batswadi ke le tshwaretse taba tse sa jeseng ditheohelang ha le mpona ke le tjena.
SEBOLELO: Ke re ke mo hloile hampe ngwanana eo wa moloi, mme ke ntse ke tlilo tla mo ruta molao ha nka ka teana le yena! O tla tseba hore motho ke ntho e jwang ha eba ha ba a ka ba mo ruta molao habo!
MMASEBOLELO: Hao ntate! Wena o lebala ka pele jwang na. Ha ke re ke maobanyana a matsho moo ha moradi le eo mokgwenyana ba ne ba tlile kwano ho tla re tsebisa hore ba ilo etsa moketjana wa bona kgweding ena e tlang Jwale o a mmakatsa ha o bolela hore o se o lebetse taba tse bohlokwa hakana?
MMASEBOLELO: Ao basadi! ekaba ke sekgobo sa eng seo ngwana enwa a re jarisang sona Re lekile ho mmotsa ka makgetlokgetlo ha a ne a etswa mona hore o ya kae, empa o ile a re ila sekgethe. Bona hona jwale o ikentse kenyakenyeng e jwang?
PALESA: Ke taba tse monate, moratuwa.
THABANG: Ke hobane bana bana e tla ba sehopotso pelong ya ka hore nkile ka utlwana le batho ba tjena ka lona, mme leha e le mona le re ha le sa mpatla, empa ke batla hore le dule le nkgopola ka mehla. Ha se mara, ha se ho fela.
THABANG: Feela moratuwa...
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na taba eo ke tla e tshohlang le wena mona. Ha ebe e teng taba e lokelwang ho tshohlwa, ke dumela hore o lokela ho e tshohla le Palesa Lebajwa, etswe ke yena sethibamathe sa hao. Ha e le nna Sebolelo ke hlolehile ho hloleha ke wena le mekgwanyana ena ya hao e ditshila.
MOLEFI: Monna, leo ha se lona lebaka leo o ka itshirelletsang ka lona. Re sebetsa mmoho kwano, mme le dihora re sebetsa tse lekanang, empa leha ho le jwalo ha ke eso ka ba ke tletleba ka mosebetsi wa ka le ho fihlela lena le hodimo. Ka mehla ke dula ke netefatsa hore leha nka ka phathahana jwang kapa jwang, ke etsa bonnete ba hore mosebetsi ona ke o etsa ka bokgabane bona bo babatsehang. Jwale wena o hlolwa ke eng ho tsamaya mehlaleng ya ka?
MABOKELLE: Jwale ke taba eo re tla e potang ka kae ee hoba nako ena kaofela re ne re hopola hore ntho di ba tsamaela hantle banyalani bana ba babedi. Jwale phalo e ema le lesemela ha o ntjwetsa hore Sebolelo o bolela hore monate ke ntho e siyo lapeng la hae.
PALESA: Le jwale ke a e hatella hobane ha se nna ya mmitsitseng hore a tle ho nna, ke yena ya itlisitseng ka seqo.
DIKELEDI: Kgoba matshwafo, mme Mmasebolelo, dintho di tla boela madulong ka nako e sa fediseng pelo.
SEBOLELO: (O batla ho lla) O nkutlwisa bohloko ha o bua jwalo hle, Dikeledi.
THABANG: Se ikopise hlooho ka ntho tsa mafeela tjena hle, Palesa. Sebolelo a ke ke a tseba sephiri sena sa rona. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho kgoba matshwafo, hoba moo lerato le leng teng tshabo ha e yo.
MMASEBOLELO: Sebolelo a re mokgwenyana o se a mo qalletse mokgwa o motjha oo le yena a reng o sitwa ho o utlwisisa. A re e se e le motho ya tsamayang ho fihlela ka kgitla, mme ha a kgutla a mo tjodietse ekasitana le Pontsho, a bolela hore o tlilo ba fenetha.
DIKELEDI: Butle le wena, Sebolelo, ka ho phahamisa matshwafo tjena. O a tseba ntwa e ke ke ya rarolla mathata, empa e tlilo a feteletsa ho feta ka moo o ka nahanang ka teng.
DIKELEDI: Atjhe, Sebolelo, nna ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena. Na ha o nahane hore mohlomong Palesa o mpa a mo tlamelletsa feela ka molato oo e seng wa hae.
SEBOLELO: Ke ntho ya mofuta nngwe na eo?
SEBOLELO: Ha se hore ke ngongorehile, motswalle, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ke batla ke lahlehetswe ke tshepo ho aubuti Thabang matsatsing ana. Ho hang ha ke sa mo tshepa hantle, mme ha ke tsebe hore ekaba hono ho bakwa ke eng.
MODISE: O a di bona he ntho tsena tsa lona hore di fela ha bohloko jwang, monna Le nna ke ne ke sa maketse hore o teng mosadi wa boemo ba Sebolelo ya neng a ka mamella masawana a tjena, mme ha ke mo tshwaye phoso, etswe o tena a etsa tsena tsohle ka lebaka la hao?
THABANG: Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore batho ha ba bone ditaba ka ho tshwana. E re nke ke o tehele mohlalanyana o mosesane. (O kgutsa motsotswana.) Ha se batho kaofela ba ratang papadi ya bolo ya maoto le hoja e le papadi e tlotlwang ka ho fetisisa lefatshe ka bophara. Ba bang ba e bona e le papadi e tswileng tseleng, ebileng e se na mosola. Eke! ho feela ho le jwalo le ka sena seo ke o jwetsang sona, monna. Ho hang re ke ke ra utlwisisa ditaba ka ho tshwana leha re ka ra rata bo!
Diketsahalo tsa pale ena di toboketsa mantswe a Sesotho a reng ngwana wa mahana-ho-jwetswa o bonwa ka maoma hloohong. Le hoja Thabang a ile a hlajwa malotswana hore ho hloka botshepehi ho molekane wa hae ho ke ke ha mo tswela kgomo ka letho, empa o ile a ikwala ditsebe ka leshoma. Hlalosa ka ho teba semelo sa Thabang ekasitana le sesosa sa kgohlano tshwantshisong ena.
MMASEBOLELO: Sebolelo ngwanaka, nna ke o tshepisa hore ha o ka hlahelwa ke mathata hape ke tla hle ke e late letailana, mme ha jwale seo ke se kopang hape ke hore o kgutlele bohading ba hao. O swabise dira tsa lona, etswe ha o ka wa hlala Thabang o tla be o itshehisa ka thaka tsa hao feela, ngwanaka. Ha ke batle hore qabang ya ka le ba bohading ba hao e ebe yona sekgopi lenyalong la hao. Wena o tsamaya o...
SEBOLELO: Feela, mme, o motho ya makatsang e le ka nnete.
THABANG: (Ka bohale.) Ako tlohelle ho ntjwetsa ditsiebadimo tjena, mosadi! Ke tloha ke be ke o tlatsela hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi, mme bohlalenyana bona ba hao bo be bo o timella.
SEBOLELO:(O a lla.) Ntate, aubuti Thabang ke yena ya nqholotsang pele. A re o tlilo nka Pontsho ka kgang ho seng jwalo a re o tla re tshwarisa phupe ka lefe.
DIKELEDI: Ee, ke ka hona ke reng o lokela ho ya phomola hore o tle o tsebe ho rarolla mathata a lelapa la hao o iketlile, hoba ke mona ha o batle dikeletso tsa mang kapa mang. Ke a ipotsa hore batswadi ba hao ba reng feela ha ba utlwa o bua mehlolo e tjena.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Ha o sa tlisa ntwa kwano, hata kosene hona jwale tjena.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ke tsebe! Ke itse ho wena o bue ka pele, o tswe o hata kosene pele ke feroha dibete ho feta mona. THABANG: Palesa, ke tsebisitse Sebolelo ka taba ena ya rona, mme o halefile hampe moo a teng hona jwale, hoba o boetse a phaella ka hore o tlilo tla ntlhala.
SEBOLELO: Jwale ha e le taba e bohlokwa re tshwanetse ho e tshohla ka nako ee ya ho ya mosebetsing (O kgutsa motsotswana.) Ha eba o batla ho bua tsa moketjana wa rona, o hlo lebale, hoba ke se ke tsebisitse batswadi ba rona, ekasitana le bamemuwa ba bang hore ha ho sa hlola ho eba le moketjana kwano?
MODISE: Monna, ho o tshwarela ke ntho e nngwe hape jwale, hoba re ile ra o kgalema jwalo ka motho e moholo ha re tla utlwa Sebolelo a re o robile ngwanana elwa wa mooki lengole. Jwale ke wena hape ya boelang a itshola athe maoba mona o ne o lomahantse meno o re o ipatlela bana ba hao feela ho bona.
DIKELEDI: Tjhe, mme Mmasebolelo, tseo ha re a lokela ho di tshohla ha jwale, etswe di tla shebisa meya ya rona morao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho thabela ho bona Sebolelo a fodile mahlabeng ana ao a leng ho ona.
THABANG:(Ha Sebolelo a re o a tswa, yena o a mo thiba.) Pele o tsamaya, ke kopa hore re tshohle taba ena eo ke o emiseditseng yona pele.
Thabang o fihla lebenkeleng, mme o fumana Molefi a halefile.
THABANG: Eo taba ke e nepa ka botlalo, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao.
MMASEBOLELO: (O se kgitla le ho feta.) Empa, ntate, na o a elellwa hore re tlile ho tla shebahala jwalo ka batswadi ba se nang molemo, hoba hoja e ne e se ka rona, Sebolelo a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ee.
SEBOLELO: Le jwale o ka ntjhaella monwana ha ke re ho wena le bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
THABANG:(O mo kena hanong.) Feela hono ha ho bolele hore ke tshwanetse ho hlala Sebolelo. Hona batho ba tla reng feela ha ke hlala Sebolelo, empa e le moo re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane Na ha o bone hore ke tla be ke iphetola setshehisa sa Rammolotsi moo, Palesa?
SEBOLELO: (O a lla.) Le jwale le a nteleka, mme, ke ntse ke le bona hore ha le sa mpatla lapeng mona. Le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ilo ntuba maikutlo hape.
MOLEFI:O bua mashano a matala, mme ke sa tiisa le jwale hore ho se ho le haufi haholo moo ke yang teng ka kgwebo ena. O bue ha eba o batla ho itokolla mosebetsing, nke ke ka ema ka pela tsela tsa hao ha eba o batla ho etsa jwalo.
DIKELEDI: Ho ya ka tlaleho eo ke e amohetseng eka o hlabilwe ke ngwanana elwa wa mooki tliliking yane e ka Marantha.
SEBOLELO: Tjhe, haeba o batla ngwana o hle o lebale. O ka mpa wa ilo makala makgotleng a dinyewe kwana o tle o bone hore o ke ke wa atleha le kgale.
SEBOLELO: Taba eno ya hao re se re tla e bona ha ke tjhaisa, etswe ha jwale nako ha e sa ntumella. Ha ke re o ne o ntjodietsa ha o lokela ho otla ditaba phatla ntjhotjho, jwale ke a itahla ha ke etsa tjena.
PALESA: Ntswele ka ntlo, moleko towe, pele ke o bitsetsa mapolesa.
MMASEBOLELO: Ke o tseba o le jwalo, mokgwa hao o tjha ntshi ke ka hoo o sa rateng le ha ke re ke ntsha maikutlo a ka.
THABANG: Sebolelo, batho ba tla reng ha ba ka utlwa hore re rerileng na Hona na ha o bone hore ho etsa jwalo e tla be e le ho kenya metsi ka moedi Ke bolela le bona bommampharwane ba ka tsheha hore kgopo di be bohloko ka rona ha ba ka ba utlwa hore..?
MOLEFI: Ho bolela hore o hulanya maoto ka boomo mosebetsing wa hao?
MODISE: Tjhe, o tla nkinela matsoho metsing, mofumahadi. Ha ke iketse le nna ha o mpona ke le tjena, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, ke mpa ke ferekantswe haholo ke...
Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Lapeng ha Thabang.
THABANG: Atjhe, ha mpe re di etse molatsa tseno, ka ha di ke ke tsa re tswela kgomo le kgale.
MODISE: Bua, monna, o tlohelle ho lla tjena. Monna ke nku ha a lle!
THABANG: Ke taba e hlokolosi, mme e bohlokwa haholo.
THABANG: Ke bontshwa tosa ke mang Ke wena?
PALESA:(O mo kena hanong.) Eo taba ke e tseba hantle, empa jwale ho fihla moo le nna ke tenehang ke ho etswa nyatsi tjena. Ke batla hore le nna nke ke ikonke jwalo ka basadi ba bang, e seng ntho ena ya ho jella kgwebeleng jwalo ka leeba tjena, aubuti Thabang.
DIKELEDI: Tjhe, ha ho nang leha o ila keletso tsa ka sekgethe tjena, ke kopa hore o nke qeto e tla o kgotsofatsang, ebile o se ke wa dumella maikutlo ho laola pelo ya hao, etswe Satane o leka motho ka tsela tse ngata, ngwaneso.
MOLEFI: Ke a utlwa hore e kgotjwa e le maoto mane, empa jwale ako mpolelle hore wena ntlhakemo ya hao ke efe jwale mabapi le taba ena?
MMASEBOLELO: Ntate ke kgale ke o jwetsa hore bana bakgotsi ba rona ba fapane le ho loka ka nnete, mme ha o a ka wa ahela mantswe a ka lesaka ha ke ne ke o hlaba malotsana. Hona jwale ke bana ba bontsha mebala ya bona ho enwa moradi wa rona ho tiisa mantswe a Sesotho a reng phokojwe ha e tshela moedi e pata mohatla.
PALESA: Eng Na o ntse o imametse hore o reng na, monna towe THABANG: Ke imametse hantle hore ke ntse ke reng. Ha ke re hona jwale wena le Sebolelo le bolela hore ha le sa mpatla, mme nna ke bona ho hlokeha hore le mpheng tseo e leng tsa ka, hoba ha le batle ho utlwisisa ha ke le bolella hore ke a le rata. Le bona le le bohlale ho mpheta?
MMASEBOLELO: Dumela le wena, Dikeledi! O re ho a be ho etsahetseng jwale ha o kena matshwafo a se a uba tjee?
THABANG: Leha e le mona o sa batle le ho mamela seo ke tlileng ho tla o jwetsa sona ha ho na taba, ke a bona hore pelo ya hao e sa ntse e thulame ha jwale. Empa ka bokgutshwane taba eo ke e tletseng kwano e mabapi le ngwana enwa eo o mo lebelletseng.
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re o phetse hantle athe o dula o hlomohile, le maikutlo a hao a dula a sosobane ka mehla?
MODISE: Taba ha di robaletse ke o jwetse he, mosadi, haeba ha o tsebe. Thabang ke yena ka seqo ya letsitseng mme a ntjwetsa tseo tsohle. A re yena o amohetse mohala o tswang sepetlele ka ho otloloha o mo tsebisa tsena tsohle.
THABANG: Ntate, ha ho na hore nka tsamaya le sa mpha seo e leng sa ka.
SEBOLELO: Ke a di utlwa tseo tsohle, mosadi, feela ntho e sa mpheng boroko ha jwale ke hore moketjana wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane o tla hle o atlehe e le ka nnete na, hoba ke mona aubuti Thabang o bonahala a le monyebe ho ka etsa ditlhophiso tsa ona.
SEBOLELO: Ho feela ho le jwalo, mmannyeo, mme ha ho ka nqane hore aubuti Thabang ke kgale a hahlaula dithota le yena, hoba ke mona ba se ba bile ba letetse lesea.
MABOKELLE:(O leka ho ba thodisa.) Se itsheleng ka meokgo tjena hleng. Ho tla loka hape.
THABANG: Ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore o bua ka eng, Palesa. Hona o re nka tseba seo o se nahanneng jwang empa ke se ka kelellong ya hao?
SEBOLELO: Mme, ha ho na letho leo nka hlolang ke le tshohla le lona hape, ke utlwile ka dipuo tsa lona feela maobane hore le mina ka nko e le nngwe ha le mpona. Le iketsa eka le a nthata empa ho se jwalo.
SEBOLELO:(O a bokolla.) Nqenqenehele... hle! (A nyebella fatshe.) Itjhuu!! O nqetile, Palesa. Jowee! Ke tla thuswa ke mang bo (A leka ho itshireletsa.) Seo o nketseng sona se ke ke sa o putsa ka letho. (O kwala mahlo a ntse a tsetsela ke matetetso, haufi le yena ke phula ya madi feela?
THABANG:O tla ntshwarela haeba ke se ke fahlile mmuso ka lehlabathe, ntate.
THABANG: Ekaba ke efe yona na, moratuwa?
MABOKELLE: Kgele! O tsheha ka nna, mosadi. Ke a bonao a lebala hore motshehalefuma o a ipiletsa. Tsietsi ena eo ke leng ho yona ha jwale e ka nna ya wela wena ka moso, mme wa boela wa tla ho nna o hoshola o tlilo kopa thuso.
PALESA:(O a lla.) O nkotlelang jwale, Sebolelo O ntse o tlilo teana le pela di falla ke a o jwetsa, mme mohlang oo o tla rohaka letsatsi leo o tswetsweng ka lona?
Lapeng ha Mabokelle. Mabokelle le Mmasebolelo ba dutse ka phaposing ya ho phomola, mme ba sa dutse jwalo ho utlwahala ho kokota monyako.
PALESA: Le jwale lerato le bofofu, ke ka hoo o bapalang diketo ka maikutlo a ka tjena. Feela ke sa tjho bo! belo le a fela, thota e sale.
MABOKELLE:O bolela jwang na ha o rialo, moradi Na ha o shebile re ka o hodisa wa ba mosadi e mokana e be e le hona re o lahlang?
DIKELEDI: Tjhe, mme Mmasebolelo, ha o a lokela ho ikwahlaya tjena. Lona le ne le etsa seo le boneng se le molemo bakeng sa Sebolelo ekasitana le moradinyana wa hae, Pontsho.
SEBOLELO: Le nna ke bona ekare ntaramane ena e ntseng e ntshwenya ke yona e hlileng e ntlhokisang phomolo moyeng tjena, mme ke ne ke ntse ke lohotha ho ya bona ngaka ha sekolo se etswa.
MMASEBOLELO:(O supa Thabang ka monwana.) Ho lokile ke a tswa, empa ke a tiisa ke a hlapanya, haeba o tlisitse ho tella kwano, o tla se bona sa motsheare, moshemane. (Ho Sebolelo) Ke kopa hore o se ka tsamaya pele hoba ha re eso qete ho bua. (O a tswa.
SEBOLELO: Ho feela ho le jwalo, ngwaneso, ke yona tabataba eo ke reng ha e a nkgotsofatsa hohang eno. Hoseng hona pele ke etla kwano mosebetsing ke ile ka fapohela kantorong ya mosebeletsing wa setjhaba hore ake a ntlhahe thuso hore ha ho le mahleke tjena ke sebetse ditaba jwang.
MMASEBOLELO:(Ka bohale.) Ntate, na o a elellwa hore ngwana enwa wa Modise ha a telle o nka ntho e fatshe Ke enwa jwale o tlisitse ho tella kwano?
MABOKELLE: Le jwale o batla hore re qhalle Sebolelo lenyalo, hoba ke mona o haketse hore re ilo batla tjhelete ka kgang, ka ho le leng o re re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono wa bona. (O kgutsa motsotswana.) Wena, mosadi, o shebile ditaba ka leihlo le leng. Re lokela ho neha boSebolelo nako ya ho itlhophisa hantle, e seng re tatele ntho tse pele tjena. O hopole hore ha ba ne ba nyalana ba ile ba ithekela ntlo ekasitana le koloi ya mabaibai, mme ntho tseo tsohle di ba qositse bokgothokgotho ba diranta.
DIKELEDI: Le jwale o a mpelaetsa, Sebolelo. Na Thabang o ntse a o tshwere hantle haesale ho ba le qhelele moketjana wa lona thoko?
THABANG: Ee, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho, Palesa. Ha o bone ke thabile hakaale ha e le moo re behile mehoma fatshe pele ho nako ya tlwaelo kajeno, mme wena ka ho le leng ha o a theohela ho hang. Hono ke sesupo sa hore re betletswe ho tsamaisana tsela ena mmoho, moratuwa.
MMASEBOLELO: Tseo o di buang e sa le dinyane papisong le tseo moradi a mpolelletseng tsona. Jwale ka ha ke se ke boletse pejana, moradi o lla ka hore Thabang ha e sa le elwa wa maoba le maobane, a re o mo hlanohetse ho mo hlanohela, mme a re ka tsela e jwalo o bone ho hlokeha hore taba ena ya mokete e mpe e ebe tshomo ka matheto.
NGAKA: Le jwale ke maswabi haholo, batswadi ba ka, ho le tsebisa hore Sebolelo ha a sa phela. Re lekile makgobonthithi ohle a rona ho ka pholosa bophelo ba hae, mme ka bomadimabe dintho ha di a re tsamaela hantle.
MODISE: Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore maobanyana mona ke wena ya neng a haketse ka lepaketla hore re ilo kopela Thabang tshwarelo, mme ke ile ka leka ho hana, feela wena wa qobella hore ke be ke wele ka hlooho. Bona hona jwale hore ho sala ho etsahalang ka mora moo.
NGAKA: Ke tshepa jwalo, kgaitsedi. (O sheba tshupanako ya hae.) Le se le tla nkinela matsoho metsing, batswadi ba ka, ke lokela ho ya mane ka phaposing ya dioporeishene ke bone hore mosebetsi o ntse o eya jwang.
SEBOLELO: Ha ho na hore e ka hata ka maro, empa o ntse o dulellane le ho suhana le moya wa ka tjena. Ke kgale ke mamelletse tshotleho lapeng lena, mme jwale ho fihla moo o nkgitlang dibete teng. (O batla ho lla.) Ke nahana hore le ona moketjana oo wa rona re hle re o qhelele thoko, hoba ke mona ha o a ikemisetsa letho ka ona. (O a lla.
THABANG: Le jwale ke tshwanetse ho makala, Palesa.
MOLEFI: Tjhe, ka nnete ke swabile nko ho feta molomo hore le wena o be o kene mekgatlong ena ya banna ba sotlang basadi ba bona. Feela ha ho nang, di a bela di a hlweba, madiba ho psha a matala! Leha ho le jwalo ke sa boela ke o hlaba malotsana hore o tla oka seso ka makgapha ha o ka nna wa tswela pele ka mekgwanyana ena ya hao e ditshila, ya ho bapala ka basadi jwalo ka ha eka o raha bolo. Le bona ka le leng la matsatsi ba tla busetsa molamu sefateng, mme o tla tshola tlhako morong o qatile mohatla, kobo di fokaela sebaeng.
SEBOLELO: Eng Ke o lokollele ngwanaka Ke se ke itse o ka ba wa ilo wela matjoing kwana! ha ho na ngwana eo ke tla o lokollelang yena mona. Ekare o hloleha ho itlhokomela ka bowena o be o bolela hore ke ofe ngwana. Tjhe, ke se ke itse setsweng ke hole bo?
THABANG: Leha o ka nteleka jwalo ka ntja tjena, empa lentswe la ka lona le tla sala le ntse le dumaduma kelellong ya hao, mme le mohla ngwana a belehwang o tle o se ka ntebala.
MMASEBOLELO: Mehlolo ka nnete! Ekaba ho etsahalang na ha o re tsohella hoseng ho hokaale, Thabang Kapa o se o boetse o qadile ka mathaithai a moo a hao (Ka bohale.) Haeba o tlosa bokaako haeno kwana o bo tlisa kwano, ke batla ho a hlaba malotsana hanghang hore mona teng o tla teana le pela di falla. Sebolelo ke ngwanaka, mme ha o mo utlwisa bohloko o tsebe hore le nna ke ameha maikutlo?
MMASEBOLELO: Butle bo! Sebolelo ngwanaka, ka ho ja masooko tjena. O a tseba le nna ho bua nnete, ngwanaka, ba bohading ba hao ha ke ba utlwisise hantle, empa ka ho rialo ha ke o kgothalletse hore o etse sena seo o batlang ho se etsa, etswe ba bohading ba hao ba ne ba tletse yona taba eno kwano. Le nna ka lehlakoreng le leng ke ntse ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo mabapi le sena seo monna enwa wa hao wa lemenemene a o entseng sona, feela re se re fihlelletse qeto le bona hore re tla buisana le wena hore o kgutlele bohading.
THABANG: (A le mong.) Banna! ka nnete ke qala ho bona mosadi ya hlooho e thata tjena. Ke hore o lomahantse meno hore ha ho na moketjana o tla hlola o ketekwa Ebe banna ke tla qetella ke entse jwang na ha taba di se di le mafekefeke tjee Hona ha batswadi ba rona ba ka utlwela ka maemo a ditaba a ntseng a rena kwano ba tla nkuka ke le motho ya jwang Tjhe, leha ho le jwalo ha ho hlokehe hore ke ngongorehe ka ha ke ngwana monna, bitla la ka le ka thoko ho tsela?
MODISE: Ke o thuse jwang athe ke wena ya ikentseng hara mathata Nna mohla monene ha re ne re ilo o nyalla ke hopola hantle ha ke ne ke o laya hore o hlomphe mosadi wa hao, mme o etse bonnete ba hore o dula a thabile ka dinako tsohle. Jwale ke mona ha o a ka wa phethisa ka moo ke neng ke o laetse ka teng, mme ha ho le hobe o batla ke ikakgele ka setotswana hape. Tjhe, oo mohlolo ha se o ka etswang ke nna Modise?
THABANG: Ekare o dieha ho utlwisisa ditaba ha motho a bua le wena hantle, Sebolelo. Hona jwale o se o tswile lekoteng ho tu! o balabala ka ntho di hana-ho-fela. Hona jwale ke leka ho o hlalosetsa ka moo ke ikwahlayang ka teng, empa le teng o sa ntse o ikwetse ditsebe ka thebe ya leshoma, o nkomela ka ntho tsa kgale tseo le nna ke le tjena ke lebetseng ka tsona.
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ehlile, ntatao o tshwanetse a o tjodietse hobane o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme le yona tlhaloso ya hao ha e sa hlokeha le ho hlokeha ha taba di le mothating ona. Le jwale ke a mo tlatsa hore o re phoqile le hoja re ne re o tshepile, ngwana ka, mme ha ke kgolwe hore re sa ntse re tla hlola re o tshepa hape.
DIKELEDI: (Ka ho ngongoreha.) Na jwale o tla hle a fole, ntate ngaka.
DIKELEDI: Ka nnete ke taba tse nyarosang tsena, Sebolelo, mme le nna ke le tjena ke ne ke sa hopole hore ka le leng la matsatsi ditaba di tla be di hlekemane tjena. Ho hang Thabang o itheotse seriti le hoja e le motho ya hlomphehang tjena setjhabeng. Feela manyala ana ao a a entseng a hlile a mmehile ka moo thakadi di fatelang ka teng!
THABANG: Tjhe, ha ho molato ha e le mona o hlalosa ka botlalo le wena hore o swabile nko ho feta molomo ka se etsahetseng maobane, mme le nna ke o leballetse, etswe ke a tseba hore phoso e tsamaya le mohatisi.
PALESA: Ha ho le jwalo, aubuti Thabang, tharollo e nngwe feela bothateng bona, mme ke yona qha! e ka etsang hore nna le wena re phele ka kgotso ho isa lefung. (O kgutsa motsotswana.) Ke kgale ke thuisa taba ena, mme jwale ke entse qeto ya hore ke ntshe se imetseng pelo ya ka, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing.
THABANG: Ke itse ha se hore ke itatola molato ona, feela ke leka ho o bontsha ka moo o leng sethoto ka teng, ka ho tatela ntho tse hole le wena tjena.
NGAKA: Thato ho phethahetse ya Ramasedi, kgaitsedi, mme ha ho letho leo re ka ra le etsang. Le nna ke le tjena ke bo utlwisisa hantle ka botlalo bohloko boo le bo utlwileng, empa ha le a lokela ho lla jwalo ka makwala. Le lleng le ntse le hopola hore Ramasedi o tla dula a ena le lona ka dinako tsohle.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong le yena.) Le nna ke a o rata, aubuti Thabang.
DIKELEDI:O re o ile a o jwetsa masaakokometse a reng na?
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re pelo ya hao ha e a kgotsofala, Sebolelo Hona ha e sa kgotsofatswa ke eng Na Thabang o boetse o a o hlekefetsa hape?
THABANG: Ho lokile, le teng ha ho kgang.
THABANG: Tjhe, ha se hore ke ne ke sa hlajwe ke dihlong, moreso, feela e kgotjwa e le maoto mane.
SEBOLELO: Ee, le jwale, Dikeledi, ha a yo motho wa nama le madi lefatsheng mona ya ka amohelang kapa hona ho mamella manyampetla ana a entsweng ke aubuti Thabang.
PALESA: Leka feela bo! Ka nnete nka o bontsha tosa le madinyane a yona. O tla tswa mona o qatile mohatla, kobo di fokaela sebayeng. Ke a bona o a lebala hore noha ha e ntshwe mokoting...
Thapameng yona eo ha sekolo se etswa. Sebolelo o fihla lapeng habo, mme o fumana batswadi ba hae ka phaposing ya ho phomola.
MMASEBOLELO:(Eka o tebisa maikutlo.) Ntate, ke utlwile meeka ka tsebe tsena tsa ka. Ha e le kajeno lena ho tswa ho eo moradiao. Ka nnete le jwale ke sa pheta hore ha ke eso kgolwe sena seo a ntjwetsitseng sona.
PALESA:E mabapi le ngwana Ngwana ofe jwale athe o itse ha eso ka ba o re o batla ngwana O se ke wa ba wa leka wa tla ka bohlanya ha ka mona e sa le hoseng tjena?
MODISE: Ke se ke kopile tshwarelo hle, mohatsaka.
SEBOLELO: Ha eka o sa ntso tswela pele ka ho nthohaka tjee?
Thabang. O buile puo pha! o sa pate letho hore ngwana enwa eo ke mo lebelletseng ha o mmatle. Ebile wena ha o eso ka ba o re o batla ngwana hoba o ntate wa lelapa ya nyetseng. Jwale ntho e nqakang ka ho fetisisa ke hore o mpherehile o bolela ka moo o nthatang ka teng, empa o tsebile hantle ho tloha sethatong hore o na le mosadi le ngwana. Jwale ha mathata a hlwele setha hodimo, o se o batla ho tjhetjhella morao jwalo ka poho ha e e nka matla. Ngwana yena jwale ke sa toboketsa hore o tla mo etsetsa ntho e nngwe le e nngwe, mme o tla fumana kgodiso e ntle jwalo ka bana ba bang. Ha e le nna le wena ha ho sa na letho leo re tla le buang hape, re tla boela re teana hape ha ngwana a se a hlahile hore o tle o tsebe ho ntsha tjhelete ya phepo ka kgwedi.
MMASEBOLELO: Bua hle, mmanyeo, o tlohele ho balabala tjena.
SEBOLELO:(Motsotswana ka mora hoba Thabang a tsamaye.) Le a e bona he ntho eo ke neng ke le bolella yona ka aubuti Thabang. Bona hore hona jwale o re baketse mahlabisadihlong a jwang. (O a se kgitla hape.
THABANG:O a bona wena Sebolelo, o tla utlwa eka o a bitswa ha nka ka o tshwara ka matsoho ana a ka. Mokgwa hao ke elelletswe hore o motho ya hlolwang ke maemo, mme ha ke re ke o neha hlompho e o loketseng jwalo ka mosadi, o bona eka hlooho ena ya ka e fapane.
THABANG:O nkgathatsa matla jwale ha o bua jwalo...
PALESA:(O a lla.) Ha e le hore ke nnete hore o a nthata, hobaneng o dula o behile Sebolelo pele mererong yohle ya hao Ka mehla ha ke re ke kopa ntho e itseng ho wena o mpolella ka Sebolelo. Ha o re o ahlamisa molomo feela ke Sebolelo, Sebolelo! Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, mme ka hlakoreng le leng o ntse o duletse ho mphara ka mashano a matala hore o a nthata, o a nthata! Ebile ke bona hantle hore hang hoba moketjana ono wa lona hore o fete o tlilo nqhalla matsoho, o tla be o iphapanyetsa nna jwalo ka beng ba dikolobe?
MMATHABANG: Ako tlohelle ho itiisa pelo tjena hle ntate.
PALESA: Itjhuu! Hantlentle o etsang, Sebolelo?
MODISE:(O mo kena hanong.) E seng jwalo, jwang?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ke a nkuwa ke pelo ya letho mona. Ke wena ya dulang a senya kgotso lapeng lena, mme ha ke re ke a bua feela o tla be o bolela hore ke nkuwa ke pelo. Ha ebe o batla hore re tswele pele ka moketjana ona wa rona, o tla lokela ho itshwara jwalo ka ntate wa lelapa e seng moshanyana. Ebile o ke o tlohelle le ntho ena ya ho tsekela le hara mafifi jwalo ka setsetse tjena. Ho seng jwalo e mong le e mong o tla inkela tsela ya hae ke hle ke o jwetse.
MABOKELLE: Butle ka tseo, Mmasebolelo, hodima o ntse o utlwa hore ngwana o maemong a sa jeseng ditheohelang a bophelo.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) E-e bo mosadi! Na hao bone hore re tla be re sulafalletsa Sebolelo bophelo ka ho etsa jwalo Ho hang ha se ntho e lokelang ho thoholetswa eno. Ha ke hane hore ba ha Modise ba o halefisitse, empa hono ha ho bolele hore re utlwise moradi wa rona bohloko ka tsela e tjena. Ho fetafeta mono ena ha se yona nako ya ho ntsha ditshokelano, feela re lokela ho iketsa kgokanyanaphiri ho ka hlola sera sena se re tobileng?
MABOKELLE: Moo teng ke nnete, ngwanaka. Le nna ke le tjena nka hlatsweha qati ha dingaka di ka tsa re jwetsa hore Sebolelo o maemong a kgotsofatsang a bophelo, hoba ke kgale re letile jwale.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka lebalang sekgobo sena ka teng, ntate, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng motho wa nama le madi ya ka kgotsofallang ho ba maemong ana ao ke leng ho ona kajeno.
PALESA: Ke se ke itse setsweng ke hole bo! o mpa o ipala meno feela haeba o nahana hore o tla hapa lesea lena ka thupa ya mmowana. Ka nnete ke tla lwana ya sedulwamatswapong haeba o batla ho nqholotsa ka ngwana enwa wa ka.
THABANG: Ha se hore ke batla ho itatola, feela ntho eo ke e nyatsang ke ya hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka tjena, ekasitana le ho nkenya mathateng. Ke ile ka o jwetsa sefahlamahlo hore ha ho na hore nka hlala Sebolelo ka lebaka la hao. Haholo jwang ha e le mona re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane.
MMASEBOLELO: Empa, ntate, ha re a lokela ho iphapanyetsa nnete.
MOLEFI: Ho lokile tswela pele, ke tla mpe ke o mamele he.
THABANG:(O mo kena hanong.) Le jwale ho tla re thusa. Na wena ha o bone tebetebeng eo o nkentseng ho yona?
MABOKELLE: Mathata a mofuta nngwe athe lelapa le leng le le leng le na le mathata. Ho fetafeta moo ntwa ke ya madulammoho.
MMASEBOLELO:O nkutlwetse hong le dikonyana, ntate. Ha ke eso ka ba ke re re qhalle Sebolelo lenyalo, empa seo ke neng ke leka ho se hlalosa ke hore re rute difelekwane tsena tsa ha Modise molao, etswe ba a re nyatsa ha ke sheba tjena.
MABOKELLE:A reng na jwale moradi, mosadi?
MMASEBOLELO: Ke kopa hore o buse maikutlo hle, ngwanaka, hore re tle kgone ho tshohla taba ena re sa le babedi tjena, hoba ntatao o sa ntse a robetse ka mane ka kamoreng.
THABANG: Ha ke re ke ka hoo ke reng o nteballe ditshito tsa ka, etswe ke a lemoha hore o utlwile bohloko e le ka nnete ka se etsahetseng bosiung bo fetileng.
MMASEBOLELO: Hao Sebolelo! Wa tsoha ka matjeke tjee molato ke eng na, mosadi?
THABANG: Monna Molefi, o bonahala o hlahlathela hole le mehlala ya ka. Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ha ke entse hantle, ho se ke ha nna ha eba le maqulwaqulwana a batlang ho nketola, mme ha ke kgotjwa ba mphahamise hore ke hahamalle pele.
SEBOLELO:O ne o lebelletse hore ke o tshwarele jwang o ntse o phethaphetha phoso e le nngwe hangata tjee Ka nnete ha o bontshe hore o motho e moholo, ya nyetseng, a bile a ena le ngwana. Ntho e kgolo e sa ntseng e dumaduma kelellong ya hao mona ke ho mathakaka majwaleng, o kgutle ka nako tsa baloi hore o tsebe ho re hlobaetsa boroko. Le jwale ke mohlolo hore e be o kene o sa etsa mekutu e mona eo o hlolang o e etsa, ya ho dumisa batho dihlooho. (O hopola ho hong.) Be! ka ba ka hopola ntho e nngwe. Hobaneng o sa ka wa ntata mosebetsing hore re ye toropong jwalo ka ha re ne re dumellane?
SEBOLELO: Ntwa ke ya madulwammoho jwang, ntate, empa e le kgale aubuti Thabang a suhasuhana le moya wa ka hoo qetellong a ileng a ba a nketsetsa mohlolo wa taba?
PALESA:(A mo hlaba bohlaswa a sa kgathalle letho.) Nka!! ke kgale ke o bolella hore ke tla o bolaya, ntja towe, empa o sa kgolwe. Ha e le la kajeno lona le tla dikela le wena ke a o jwetsa.
NGAKA: Ho feela ho le jwalo, ntate, re tla hle re leke matsapa ohle a rona ho kgutlisetsa maemo sekeng.
MMATHABANG: Ha ke re ke ne ke mpa ke sisinya feela hore re etse jwang ha ekaba ntja e ingwaile ka leoto la morao, ntate. Jwale ke mona o se o eja difate ka meno, ha o batle le ho mamela seo ke lekang ho se hlalosa. Ka mantswe a mang o ne o batla hore ke se ke ka ntsha maikutlo a ka ka tsela e jwalo, hoba ke mona o a ntjodietsa ha ke re ke a bua?
MODISE: Leha o ka wa itshola jwang kapa jwang, monna, feela bohloko ba lerumo lena leo o re hlabileng ka lona bo ke ke ba fola le kgale pelong tsa rona, mme ntho e nngwe e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore le bona bohadi ha o eso qete le ho bo lefa, empa ke mona o se o entse tse ding hape.
MOLEFI:O ipala meno feela ho nna mona ha eba o nahana hore ke tla kwalwa molomo ke puonyana tsena tsa hao tse hlokang motheo.
MMASEBOLELO: Ho bolela hore moleko wane wa ngwana o ne o hlile o batla ho re bolaela ngwana ho isa ka moo dingaka di phathahaneng ka teng. Tjhe, a tla a re roba dipelo he, moradia Lebajwa! Ke a ipotsa hore Sebolelo o tlilo tla shebahala jwang mohlang a lokollwang mona, hoba le tsona dingaka di a tjho hore Palesa o mo hlabile bohlaswa.
THABANG: O batla hore ke be ke mo nke ka kgang ha ke re?
PALESA: Ho bua nnete ke ile ka ikutlwa ke tlalwa ke mokgathala o mong oo ke neng ke sa tsebe hore ke wa eng. Jwale he ke ile ka bona ho le molemo hore ke ilo itlhatlhoba hore molato ke eng, mme ngaka e ile ya phahla pinyane. Ere ka ha o haufi le moo ke tswang teng, ke bone ho hlokeha hore ke fapohele kwano ho wena.
PALESA: Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o etla kwano ho nna, ha o qeta o be o tsamaya o ilo qhoba bosiu le Sebolelonyana eo wa hao. Le nna ke batla hore o ke o mphe nako e lekaneng, hoba hona jwale re dula re sitiswa ke Sebolelo.
THABANG: Ha se kgale hakaalo nna le wena re utlwana. E se e le ho ka etsang kgwedi tse tharo kapa ho feta, empa ke mona o se o tletleba ka hore ke o robile lengole.
SEBOLELO: Le jwale le nqhalla matsoho, ntate. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng le batla hore ke kgutlele bohading empa le tseba lebaka le entseng hore ke ngale moo. Ho bolela hore le lona le thabetse boitshwaro bona ba aubuti Thabang?
MMATHABANG: O bolela jwang na, ntate, ha o rialo?
MODISE: Monna, o kopa tshwarelo jwang athe ho se ho phethahetse Hona ha o kopa tshwarelo tjee o nahana hore molato o o o entseng o tla hlakoleha jwang?
SEBOLELO: Ke eng yona ntho eo o batlang hore re e bue hona jwale, empa o hlolehile ho phunya seso maobane Hona hobaneng o batla hore re e tshohle ka nako ee, empa o tseba hantle hore ke lokela ho theohela?
MOLEFI: Ha ho na tharollo e nngwe eo nka o nehang yona ka ntle ho eo, monna. Ha e le ho ya pele teng o se o tla bona ka ho feta hore o tswa jwang, etswe ha esale o ila dikeletso tsa ka sekgethe ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana. THABANG: Tjhe, ha ho nang he leha ho le jwalo, feela ke tla e hlanaka senna jwang kapa jwang, mme nka thaba ha feela Sebolelo a ka utlwisisa hore phoso yona ka mehla e tsamaya le mohatisi.
MOLEFI: Empa ho ya ka moo o ithorisang ka teng o utlwahala hantle hore o tshepile ntho e kgolo matsatsing ana, leha feela ke sa kgone ho noha hore ekaba ke eng ena e kana. Feela nka thaba haholo ha o ka ntlhaba malotsana, moshaneso.
THABANG: Tjhe, ntate, ha ke lwane, feela ke ke kopa ho lokollelwa ngwanaka hore ke itsamaele ka kgotso.
THABANG: Ha ho thuse letho hore ntate a nqhalle matsoho ka tsela e tjena ha a lokela ho nthusa.
DIKELEDI: Ako tswe o sa behile pelo sekotlolong hanyane hle mmannyeo! Mohlomong Thabang o sa ntse a phathahantswe ke mosebetsi mane lebenkeleng la bona, etswe mosebetsi wa bona o ba hlokisa phomolo e le ka nnete.
MMASEBOLELO: Ntate, e se e batla e le lemo tse pedi Sebolelo a nyetswe mane ha Modise, mme ho fihlela lena le hodimo ha ba eso ka ba re lefa tjhelete ya rona e ileng ya salla morao ha ba ne ba tlilo kopa mohope wa metsi kwano. Ka nnete ha ho eso be le nko ho tswa lemina, hono ho mpontsha hantle hore ha ba sa ikemiseditse ho phethahatsa ditshepiso tsa bona tseo ba ileng ba di etsa mohla monene.
SEBOLELO:(A ntse a lla.) Aubuti Thabang o se a dula a fihla bosiu lapeng mane, a nkga a re phu! ke jwala, mme o tla kena a se a ntse a rohakana a bolela le hore o ntse a tlilo re fenetha nna le Pontsho ha re ka nna ra ba kgahlanong le yena.
MODISE: Mmathabang, ke nako jwale hore moshemane enwa a ke a rutwe molao hanyenyane feela, hoba o tena a tella tjena a tseba hantle ha ho motho ya tla mo etsang letho.
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a mo tseba Palesa Lebajwa, elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha?
MABOKELLE: Tjhe, ha ho molato, moholo wa ka, o ka ikela.
SEBOLELO: Ho molemo hakaakang ha e le wena ya buang jwalo, etswe di qadilwe ke wena ka sebele. (O sheba nako.) Ke a itahla jwale hoba le nako ke ena e se e nkeme maqothe, mme hape ke lokela ho fapohela ha mme Mmamojabeng ho ya siya Pontsho.
THABANG: Butle bo! weso, ka ho ja dipekere tjena MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ke butle ya eng na Ke ka makgetlokgetlo o ntse o fihla ka morao ho nako mosebetsing mona, empa ke sa re letho?
PALESA: Ho lokile he, e re ke hle ke phunye seso se tswe boladu, etswe ke a bona hore o se o ntse o tatetse moro, nama e eso butswe le ho butswa. (O kgutsa motsotswana hape.) Aubuti Thabang, ho ka ba jwang ha o ka wa hlala Sebolelo, mme wa inyalla nna?
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ee, ke ntse ke mametse tsohle tseo le ntseng le di bua, batswadi ba ka, mme ke maswabi haholo ka se hlahetseng Sebolelo. Ke a elellwa hore hoja ke ne ke se sengangele a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ena e mo hlahetseng ha jwale.
THABANG: Ha ke tsebe hore ke etse jwang ha ho se ho le hobe tjena ho ya ka moo mathata a ntlhweleng setha ka teng. Ka nnete le wena o ke ke wa kgolwa sena seo ke tla o jwetsa sona, ke taba e sisimosang mmele e le ka nnete, weso.
PALESA: Ke nna ka sebele, ratu.
PALESA: Ha ho thuse letho hore o mpolelle ka Sebolelo, empa o ne o ntshepisa mahodimo le mafatshe maobanyana mona.
MABOKELLE:E seng jwalo hle, ngwanaka, feela ntwa ke ya madulwammoho.
MABOKELLE:A re ha a tsebe jwang na jwale?
MABOKELLE: Tjhe, ha re di etse molatsa tseo, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, etswe re ka di tshohla bosiu tshekge! re sa qete. Hantlentle taba eo ke neng ke le ho yona ke ena ya boSebolelo le moketjana wa bona.
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Ha ke tsebe hore taba ena nka e qala jwang jwale. Ka nnete le nna ke le tjena ke a thatafallwa ha ke lokela ho e thuba.
SEBOLELO: Tjhe bo! Dikeledi, ke ne ke sa rate ha taba ena e ne e ka fihlella boemong bona boo o buang ka bona. Aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle le hoja a nthobile moya tjena.
SEBOLELO: Ha ho molato, mohlomong ke mpa feela ke bolawa ke mokgathalanyana ona o sa reng letho.
MMASEBOLELO: O mpa o apara nkwe ka phoso, ntate, o tseba hantle ke phoso ya Modise le baetsana ba hae hore e be ditaba di mafekefeke tjena kajeno.
SEBOLELO:O swabiswa ke eng athe tsena tsohle o di entse ka morero le sepheo Hona jwale o ne o ntjodietsa ka hore ke ne ke sa tshwanela ho fedisa moketjana wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane, empa o tseba hantle hore ho teng mosadi e mong ya molemo ho mpheta pelong ya hao, eo o neng o ka nna wa etsa mokete le yena?
SEBOLELO: Bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona, ke hle ke o sebele ha eba ha o tsebe, aubuti.
PALESA: (Ka bohale) Jwale wena o behwa ke eng kwano hoba o ntjwetsitse sefahlamahlo hore ha ho na moo o kenang teng tabeng tsa ngwana enwa?
DIKELEDI:(A le leqenyana.) Ka bokgutshwanyane, batswadi ba ka, Sebolelo o sa tswa amohelwa sepetlele hoseng tjena.
SEBOLELO: Ha ho na ntwa e ka fetelletsang mathata mona. Ho thwe mokokotlo wa lehlanya o lokelwa ke leswai, mme ke yona ntho eo nka e etsang le nna ho ka fokotsa bohloko bo tletseng ka pelong ena ya ka.
THABANG: Kotsi ya mofuta nngwe na jwale, Palesa Ha ke re ke ntse ke o bolela hore o ke o tlohele ho tshoha difotle, ke teng ho tla o sirelletsa. O wa ka, ke wa hao, mme re tla arohanngwa ke lefu feela?
hanong tjena. MOLEFI: Bua he hore ho nkang sebaka ke eng. THABANG: (O hemela hodimo pele.) Monna, o a tseba ke a itshola jwale hore hobaneng ke ile ka kgahlwa ke none e qhiletsa e fela tjee! Ka nnete ke hona ke dumelang hore bodibabotala ha bo okamelwe. Feela leha ho le jwalo ke ne ke se na boikgethelo; lerato la ka le nele tlokoma ha ke ne ke qala ho mmona, mme ke ka hoo ke neng ke bua ka sebete hore ke lehlohonolo ho feta banna ba lefatshe lena kaofela.
PALESA: Ke eng ha eka o a makala tjee, aubuti Thabang?
PALESA: Ha ho na ngwana eo ke tla fanang ka yena mona. Haholo jwang e le wena ka sebele ya ileng a bolela hore ha o mmatle. Jwale ke eng se etsang hore o fetole maikutlo ka pele tjee, o bolele hore o batla ngwana?
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate.
MMASEBOLELO:O tla ntshwarela hle, ntate. Ke sehwa ke letswalo ha ke utlwa ngaka ekare le yena o thefulehile maikutlo jwalo ka rona tjena.
PALESA:(O ntse a lla.) Re tla arohanngwa ke lefu jwang, ha eka ke moo ha o batle le ho qhoba bosiunyana bo le bongnyana feela le nna. Ka mehla ha re re re qhwaolla kobo sehwetha feela o tla be o qala o hopola morao moo o tswang teng, mme o lebala hore le nna ke ntse ke le mosadi, ke hloka ho fuwa sebaka. Ke ntse ke ena le maikutlo jwalo ka Sebolelonyana eo wa hao.
PALESA: Basadi! Tjhe, ka nnete ho robala ke ho fetoha ha eba motho o hlanohetswe, o hlanohetswe le ke boThabang. (O a ema.) Feela leha ho le jwalo ke menahana le mehlala ha ke etsa tjena, empa o se ke wa ya le kgongwana hodimo hore ke qetile ka wena. Ke re re tla teana riteng sa moseeka, mme ho tla nkga ho sa bola mohla monene. (O a tswa.
SEBOLELO: Oho! kajeno o se o itatola tseo o di entseng. Le teng ha ho kgang, nke ke ka pheha kgang le wena ha jwale hoba kgang ya rona e tla kgaolwa ke letlaka haufinyane. Ho fetafeta moo haeba o tiisitse hore o batla ho lokollelwa ngwana, o tla lokela ho tekela lekgotla la dinyewe bopaki bono, e seng nna.
THABANG: Ho feela ho le jwalo, weso, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao hore ho sebetswa jwang ha ho le tjena. Ka nnete ha ke tsebe hore ke nke eng ke e kopanye le eng.
DIKELEDI: Ha o na le boikgethelo bo bong jwang na, mosadi. Ha ke re wena le Thabang mohla monene ha le ne le nyalana le ile la ikana hore le tla arohanngwa ke lefu feela Jwale hobaneng o se o batla ho roba dikano tsa lona tjee?
MMASEBOLELO: Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, ngwanaka. Hohang ha ke tsebe hore nka sebedisa mantswe afe ho hlalosa tshwabo ena e imetseng maikutlo a ka.
MMASEBOLELO: Ke kgobe matshwafo jwang athe o a hlalosa le wena hore o tlilo re jwetsa taba tse seng monate?
PALESA:O makatswa ke eng hona moo jwale?
THABANG: Palesa, hle! Ako tlohele ho iketsa ngwana tjena. O tseba hantle hore ke o rata ke tiile, feela leha ho le jwalo o sa ntse o phehelletse ho nqosa ka ntho tsa mafeela. Ntho ena eo o e tatetseng e ka tloha ya re beha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo o tseba hantle hore ditaba mokgwa tsona ha di robaletse, ebile ha di timanwe e se bohobe. Ka nnete tangtang e ka kgangwa ke lerole ha Sebolelo a ka a re bona re le mmoho re ikonka jwalo ka ha o bolela.
SEBOLELO: Ke bua nnete, mme, hore wena le ntate ekare ha le kgone ho utlwisisa maima le mathata ao ke leng ho ona, mme ho ena le hore le ntlhahe thuso jwalo ka batswadi ba ka, le nkakgella matsoho. Hantlentle ke tla balehela hokae jwale ha e le moo le lona le sa batle le ho nthusa ha ke le mathateng?
MABOKELLE:O etsa jwang na Sebolelo jwale, mosadi?
THABANG: Ho feela ho le jwalo, mme le ntate, a re yena hohang a ka se kgone ho phela le nna ho ya pele, hoba ke mona ke se ke entse diaba tse ding hape, mme o tobokeditse taba eo a sa tswa e toboketsa hore lerato la hae ho nna le fedile ho tu! ebile ha ho sa na ka moo a ka fetolang mehopolo ka teng hape.
SEBOLELO: Nke ke ka o jwetsa leshano hle, mme. MMASEBOLELO: Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle. SEBOLELO: Le jwale ho thata ho dumela tsena tsohle, mme. Le nna ho ne ho le boima hore ke di dumele sethatong, feela leha ho le jwalo ke mona ke amohetse jwale.
MABOKELLE: Helang banna! O bua ka ngwana wa hao ofe na, monna?
THABANG: Empa nna ke bona ho ka ba molemo ha ntate a ka a ntshekehela tsebe pele a ka a nqosa, hoba ke se ke hlalositse pejana hore leihlo le fahlwa le shebile.
SEBOLELO: Le nna ke tabatabelo ya ka ho bona Pontsho a ena le bokamoso bo tjhabileng, mme hono ho ka phethahala ha feela nna le aubuti Thabang re ka ra iketsa marematlou ho ka hlola mathata a rona. (O sheba tshupanako.) Atjhe, Dikeledi, ho molemo hore re tswe ka makgoro, hoba ke mona le nako e se e re eme maqothe.
SEBOLELO: Nna ha ke re ntho ke a e etsa, ke a e etsa, mme ha ke bapale ha ke rialo.
THABANG: Se ka ikutlwisa bohloko tjena, Sebolelo. Re ke ke ra qhelela moketjana thoko hodima re se re memme batho ba bangata hakana. Ebile re tla be re thabisa dira tsa rona ka ho etsa jwalo, moratuwa. Ho hang batho ba tla bona hantle ha re se re fapane dihlooho.
SEBOLELO: Le nna, mme, ke utlwile bohloko bona bo sa tsweng madi ke ketsahalo ena, mme ke ka hoo ke ileng ka bona ho le molemo hore ke ngale lapeng leno, etswe ke kgale a nkutlwisa bohloko ka dintho tse ngata empa ke mamelletse feela.
DIKELEDI: Nna jwale ke batla ke hlasetswe ke mokgathala oo ke sa tsebeng hore o tswa kae, feela o ke ke wa ntshitisa ka letho, batswadi ba ka. Ke tla leta le lona ho fihlella dingaka di be di qeta ka Sebolelo.
THABANG: Jwale tjena ntate ha ke kgathalle hore le nketsang, feela ke tla dula ka kgang mona ho fihlela le be le nneha ngwana wa ka.
MABOKELLE: Jwale he ako mpolelle hore Sebolelo o re lebaka la sena ke eng hantlentle ka ha ke ne ke le siyo ha a o kumela tsena tsohle?
MMASEBOLELO: Le nna, ntate, ke mo rolela kgaebane e le ka nnete ntate Makgwathi ho ya ka moo a leng mafolofolo ka teng ho tloha ha a ne a thonngwa hore e ebe hlooho ya sekolo sena sa Rehauhetswe.
MABOKELLE:O a tseba wena ha nka nna ka ya ka mora hao ke tla qetella ke se ke eja jwang le dikgomo. (O a ema.) Ho molemo hore ke hle ke suthe pela hao mona pele ke teneha ho feta ka moo ke seng ke tenehile ka teng. Mokgwa hao ke o tseba hantle hore ho ferekanya batho ke ntho eo o e tswelang sekolong. (O a tswa.
DIKELEDI: Ho lokile, feela nkemele pele ke hlalose hanyane hore ke le tshwaretse dife. Jwale ke tla hlalosa jwang ha e le moo mme yena a se a nqhobella majwe hanong.
DIKELEDI: Ha ke re ke ka hoo ke reng o kgobe matshwafo hanyane. Mohlomong re bua tjena o se a ntse a le tseleng e tlang kwano, etswe ke mona ha a eso letse le ho letsa.
MODISE: Ke tloha ke be ke o buretsa hlooho ena haeba o tlisa ho tella ha ka mona, moshemane!
MMATHABANG: Sebolelo o entseng na jwale ha o itshela ka dikgapha tjee, Thabang?
THABANG: Tjhe, ha ke a tlela ho tla o rerela, Sebolelo. Nna ke batla hore o dule o tseba hore ke ntse ke o rata leha feela ho bonahala eka o se o lahlehetswe ke tshepo ho nna ka mora seo ke se entseng. Feela ha ke no ema kgahlano le maikutlo a hao leha o ka wa ntlhala etswe ke kgale ke kopa tshwarelo ho wena o sa batle ho utlwisisa. Leha ho le jwalo ntho e nngwe to! ka monwana eo nka thabang haholo ha o ka nketsetsa yona.
SEBOLELO: Ke ka hoo o mponang ke le mona ka nako ena, mme.
THABANG:(O phahamisa matshwafo.) O reng, Palesa O batla hore ke hlale Sebolelo Ka nnete ha ke kgolwe sena se utluwang ke tsebe tsa ka. Kapa ke a lora na banna?
SEBOLELO: Ka moo o ka qalang teng.
THABANG: Ke kopa hore o nkinele matsoho metsing hle, moratuwa.
THABANG:O nkutlwile hantle; lentswe ha se monwana ha le kgutle ha eba ha o tsebe, mmenyana. Nna la ka ke se ke le ntshitse, mme ha ke kgolwe hore e teng kgang eo ke sa ntseng ke tla e tshohla le wena hape.
SEBOLELO: Ngwana o etsa jwang jwale?
MMATHABANG: Ekaba, ntate, o bua ka eng na jwale ha a se a jele dipekere hakaale?
MODISE: Empa hobaneng o ne o nqobella hore ke kene morerong oo wa hao?
MMASEBOLELO: Tlohella tseo hle, Sebolelo, nna ke boulela ka bokamoso ba hao.
THABANG: Ke fositse mokubetso ha ke entse jwang na Molefi Ke eng eka o tla ntlela ka meleko tjee na monna?
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore ke qale kae ha ho le tjena, ngwaneso.
MMASEBOLELO:A-e bo basadi! ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo.
THABANG: Mme, ha ke a tlela masawana kwano, feela seo ke se kopang ho wena jwalo ka motswadi ke hore nke ke itshebe hanyenyane feela le Sebolelo, mme ha ke qeta ke tla itsamaela ka kgotso. Ke a tshepa hore e ke ke ya eba kgang e telele etswe batswadi ba ka ba se ba ile ba hlalosa ho feta ka moo nka ka alang leleme phate ka teng.
PALESA: Ho pheha kgang ho ke ke ha re thusa...
SEBOLELO: Ke se ke itse o ka ba wa ya moo o yang teng, ha e le ngwana yena lebala ka yena.
MMASEBOLELO: Kgele basadi! Ra hola ra bona meeka le mehlolo. (O opa diatla.) Le jwale mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
THABANG: Weso, ke tseba ntlhakemo ya hao ntlheng ena, empa ha jwale ke kopa hore o ke o sekehele sello sa ka tsebe hanyenyane feela. Ka nnete o tla utlwisisa hore ke kene tebetebeng ya dihele.
SEBOLELO:O sa bua ka ho ja direthe Ke bua le wena tjena motho o ithwetse moo a teng, mme molato ke wa yena aubuti Thabang?
Ho batjhana ba ka ba babedi, Tshepo "Mataupana" Letshaba le Nomvuyo "Mmadimpho" Siko. Ke re ho bona tlhako ya morao e lokela ho hata moo ya pele e hatileng teng.
MOLEFI: Ha ke o tlele ka meleko, monna, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o inanatha tjena ha o ne o lokela ho phunya seso sa tswa boladu, athe le wena o ntse o bona hore ke manyala feela ntho ena eo o e etsang. Ho hang ke sitwa ho utlwisisa ka nnete hore hobaneng o salasalane le basadi ka morao, empa o nyetse, o bile o ena le moradi e monyenyane jwalo ka Pontsho tjena.
DIKELEDI: Butle bo! mosadi. O batla ho ntjwetsa dife na jwale?
PALESA: Ee, le jwale, aubuti Thabang, matshwenyeho ohle a neng a hlwele pelo ya ka setha a fedile, mme ha ke kgolwe hore moya wa ka o sa ntse o tla hlora hape, etswe o se o le karolo ya bophelo ba ka. O a tseba le bosiu ke se ke dula ke touta ka wena feela hore o tla tla neng o tlilo ntlhwela hore ke ntse ke isaisa jwang.
MMASEBOLELO: O ne o batla ke etse jwang athe Ha ke re ke bona batswadi ba hae ka sebele ba ntseng ba kgothaletsa mekgwa ena e ditshila..?
MOLEFI: Feela pejana o boletse hore ke taba tse monate, mme ebile di etsa hore o ikutlwe morolo hoo o seng o bona hantle hore le tangtang e tla kgangwa ke lerole monongwaha.
MABOKELLE: Butle bo! Mmasebolelo, ena ha se yona nako ya ho bua puo tse sekameng jwalo. Seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho ba ngatanngwe, mme re fe Sebolelo tshehetso yohle eo a e hlokang.
DIKELEDI: Hobaneng o hloile Palesa tjee, mosadi Kapa ke yena ya o jang direthe?
DIKELEDI:(A hatella.) Na o tiisitse ha o re o tshwenngwa ke ntaramane feela?
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) Na ke yona thero eo o e tletseng kwano, motho wa Modimo?
THABANG: Ntate, ke kopa hore re ke re di qhelele thoko hanyane tseo.
PALESA:(Ka bohale.) Ka mantswe a mang o batla hore ke a o etselletsa ha ke re ke ngwana wa hao eo ke mo lebelletseng THABANG: Ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele tjena ha ke o fa ntlhakemo ya ka mabapi le taba ena. Ebile ha ke eso ka ba ke hanana le wena tabeng ena, empa seo ke lekang ho se hlalosa ke hore o bile lehala haholo ho ka nkenya tebetebeng e tjena. O tseba hantle hore ke na le mosadi le ngwana, mme le bona ke lokela ho ba hlokomela?
THABANG: Ka moo wena o nahanang ka teng.
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hee ke re o nkgitlile dibete bo monna towe!. Ha ke sa batla teye kapa nama ho tswa ho wena hape. O mpontshitse ha e le kajeno lena hore ha o nthate, o mpa o nkentse se sebediswa sa hao feela, hoba ke mona o ile wa ba wa qetella o se o kopanetse dikobo le mosadi e mong empa ke ntse ke le teng le nna. Ke bolela le Pontsho le ha a le monyenyane tjena, o a lemoha hore ho hang ho tu! ntatae ha a na boikarabelo. Hona ha o mpolella kedibitlahadi e kaana ya taba o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang?
PALESA: Lebala ka batho, etsa se tla thabisang pelo ya hao, aubuti Thabang.
THABANG: Ha ke no ebola tapole habedi, mosadi. Ke a bona hore o batla ho nkgulela molekong ke ntse ke shebile, mme hono nke ke ka ho dumella hore ho etsahale ho nna mona. Ha e le ho tloha kajeno lena teng ke a itshola ho wena mona, ke se ke tla tebisa maikutlo a ka ho Sebolelo le Pontsho wa ka.
MOLEFI:(Ka ho teneha.) Ako tlohelle ho inanatha tjena hle monna, o ke o otle ditaba phatla ntjhotjho.
MMATHABANG: Ho lokile, ke tla o inela matsoho metsing ha feela o ka ntshepisa hore o ke ke wa kena ditaba ka bohale ha re leka ho tla ka tharollo.
THABANG: Tjhe, ke a leboha ha ho le jwalo, moshaneso. (Ka moya o fatshe.) Hlooho ena ya ka e duma ditshepe feela, mme ha ke tsebe hore ke tla qetella ke entse jwang, etswe ke ntse ke tetebela maikutlo le ho feta ha ke nahana sena seo Palesa a ntjwetsitseng sona.
SEBOLELO: (Ka ho phoqa.) Ha ebe ha ke e kgine teng ho tla etsahalang he, Goliathe?
NGAKA:(Ka moya o fatshe.) Batswadi ba ka, ke kopa hore le nkutlwisise hantle ho sena seo ke tlileng ho tla le jwetsa sona mabapi le Sebolelo.
DIKELEDI:E-e, mosadi, o a be o batla ho bua dife jwale?
SEBOLELO: Nna jwale o a nqaka. Ke diqeto dife tseo ke neng ke lokela ho di etsa le wena, athe ke ile ka hla ka o bolella sefahlamahlo hore ha e le tsa moketjana wa rona re hle re lebale ho tu! ka tsona THABANG: Tjhe, ha re hle re di etse molatsa tseno pele ho nkga ho sa bola ka kwano?
MOLEFI:ke se ke itse le mohlang le o kgamang lerapo lena leo o ntseng o le loha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna, hoba ke leka ho o hlaba malotsana ha o batle ho mamela.
THABANG: Ke se ke itse ha e hate ka maro bo! rona makwala re none.
SEBOLELO: Ka nnete aubuti Thabang ke mahodi a patile maeba ke hle ke o jwetse ha e ba ha o tsebe, Dikeledi. Ke re o kgopo le ho feta sekele eo motho! Ha o sa mo tsebe a ka o tshwarisa mmamphele ka sekotlo, wa sala mekgele e wetse ka mahlong.
THABANG: (Ka bohale.) Na o ntse o imametse hore o a nthohaka, monna?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ntate, ke lokela ho potlaka etswe nako ha e ntumelle hohang hore ke be ke ntse ke le mona. Ho fetafeta moo ke a tseba hore le ntse le sa thabela boteng ba rona lapeng mona, ke ka hoo ke batlang ho sebetsa ditaba ka sekgukgu tjena, hoba lona le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube maikutlo.
PALESA: Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
SEBOLELO: Le yona tlhalosonyana eo ya hao ha ke sa e hloka le ho ehloka, etswe ke a utlwa hore o tletse ho pota mona.
MOLEFI: Ke o fe tharollo ya bothata bofe bona boo o sa kgoneng ho bo hlalosa ha o ntse o haketse hore o na le bothata le Palesa Ebile ha ke kgolwe hore tharollo ya ka e ka hlokeha mathateng a hao le Palesa ka ha le ho tloha qalong ke ne ke ntse ke eme kgahlanong le taba ena. Ka nnete leha ho ka ha thwe tsoho la monna ke mokolla, empa ha e le kgetlong lena teng ke se ke itse setsweng ke hole bo?
THABANG: Ho feela ho le jwalo le ka nna, moratuwa, mme ke ka hoo nke keng ka phetsa hore ho wena ke a o rata. Ke o rata ke tiile Palesa, wena mohaladitwe wa pelo ya ka. (O sheba Palesa ka mahlong, mme Palesa yena a diha mahlo.) Ako ntjhebe ka mahlong hle, Palesa, mme o re ho nna o a nthata. Mohlomong pelo ya ka e tla phutholoha hanyane ha o ka rialo.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mehla ha o entse diphoso o dula o itshirelletsa ka hore phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi! Ke kgale ke ntse ke e bona taba ena hore e tletse bomenemene ka hare, mme o ile wa hana hehehe! ho re ho na le letho le lebe. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o dula o fihla bosiu, o be o bolela hore o tlilo mphenetha hammoho le Pontsho. Sena e ne e le sona sesupo sa hore ntho e kgolo eo o e etsang ka ntle ka mona, mme ke mona pinyane e tswile jwale.
THABANG: (O mo kena hanong.) Ha eba ha o kule hobaneng o ne o ikopa ho ya ngakeng?
THABANG: Ke kgobe matshwafo jwang empa e le moo o batla ho nkenya tebetebeng ya dihele?
boitshwaronyana bona ba hao bo sa yeng ka theko. Ke a elellwa hore o se o hlwele matsatsa ho feta tekanyo matsatsing ana. Ebile ke batla hore o hle o nke qeto kajeno lona lena hore na o tswela pele mmoho le nna ka kgwebo ena kapa tjhe. Hohang ha ke a kgomaretswa ho wena mona, monna, mme ha eba ntho di sa tsamaye hantle kwano, ha ke no tswafa ho ya ipatlela makgulo a matala nqa e nngwe.
O boetse a etsa dithuto tsa boqolotsi ba ditaba (Media Studies and Journalism) ekasitana le marangrang a dikgokahano tsa dikhomputara (Comupter Literacy).
THABANG: Tjhe, moo teng o opile kgomo lenaka, ngwana monna, feela ha e le ho bua nnete ke batla ke le lesisithehonyana hore nka tshohla taba ena ha jwale...
MABOKELLE: Tjhe, ho lokile, moradi. Ha re hle re di etse mohatla kgwiti tseno, re tla di bona ka nako e nngwe, ha jwale ho sa na le taba eo re lokelang ho e tshohla le wena.
THABANG: Palesa, ako butle hanyane ka tseo...
MABOKELLE:E mabapi le lenyalo la hao, moradi.
DIKELEDI: Bua, mmannyeo, seso se monate ha se ngwauwa ke monga sona.
DIKELEDI: Ntate, se tshwenyehe ka Thabang, le yena moputso wa hae o ntse o le tseleng, mme ha ho na ka moo a ka phonyohang ka teng ha ho le tjena.
THABANG: (Ka ho makala.) Ha o na taba le tumediso ya ka ka mabaka afe jwale, moshaneso Hona ke se ke o entse eng e kaale ha o se o jele masooko tjee?
THABANG: Lebaka ke hobane di thabisa pelo ya ka, mme ho ka etsahala hore di tshware pelo tsa batho ba bang hampenyana. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ha re na mahlo a tshwanang a ho bona ditaba.
MODISE: Le mathata ha ke kgolwe hore a mo hlwele setha hakaalo, hoba ke mona haufinyana ba tla be ba etsa mokete wa semetletsahadi ho keteka lemo tse pedi ba nyalane, mme tseo tsohle di tlilo hlekefetsa pokotho tsa bona e le ka nnete.
THABANG:(A nyaroha hanyane.) Jonna wee!! O a tseba ke lebetse hore ke ne ke tshwanetse ho ya o lata sekolong mane, Sebolelo. Tjhe, ka nnete o se o tla nkinela matsoho metsing...
SEBOLELO: Le ne le nahana eka ke a bapala ha ke ne ke bolela hore aubuti Thabang o fapane le ho loka matsatsing ana. Tsena tseo a di entseng kwano e sa le dinyane, dikgolo ha a di ntsha.
THABANG: Ha se hore ke ne ke le manganga hle, monna, feela ke ne ke sa tsebe moo ke neng ke eme teng ka nako eno.
SEBOLELO: Ke ne ke o jwetse kgale hore ha ke na taba le seo batho ba tla se bua. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla kgotsofatsa pelo ya ka. Nke ke ka kgotsofatsa pelo ya motho e mong empa ya ka yona e sa kgotsofala.
THABANG: Ee, ke a dumela, batswadi ba ka, hore ke le sitetswe ka seo ke se entseng, mme ke amohela ka diatla tse pedi hore ke ne ke sa tshwanela hore e be ke ile ka mathakaka le basadi ba bang, hoba ke nyetse jwale. Feela leha ho le jwalo ke kopa hore le ntshwarele, e ne e se ka boomo, phoso e tsamaya le mohatisi.
MABOKELLE: Lerumo la ntho nngwe na, mosadi Ha ke tsebe ho re hobaneng o lokela ho bua puo tse fapaneng hlooho tjena, empa o le motho e moholo hakana. Mona re bua ka mathata a bana e seng ditsiebadimo tsena tseo o di buang?
THABANG: Moo teng o opile kgomo lenaka, ngwaneso. Ramasedi ha a ne a bopa motho wa pele lefatsheng mona, e leng Adama, o ile a nka qeto ya hore a mo bopele molekane, e leng Eva. Ebile ha ho makatse le kajeno ho bona batho ba bang ba ntse ba tsitlalletse mekgweng yane ya boholoholo leha feela mehla e se e fetohile hakana.
PALESA: Etswa ha ka mona pele ke o hlahisa kotsi, ntja towe!
SEBOLELO: Ee, ke tiisitse le jwale. Kapa ha o kgolwe seo ke o jwetsang sona na, mosadi?
MMATHABANG: Ke thaba haholo ha e le mona o dumellana le nna, ntate, etswe le ditsebi di a tjho hore tjheleteng ha ho na motho ya batlang ho iphumana a di hula mohatleng ka nnete. Ho thwe batjheng mona lehlanahlana ke la motimahlaha, mme le poho ya mokgerane e ka tlola lesaka ha ho le jwalo.
MMATHABANG: Tjhe, ho a utlwahala ha o rialo, ntate, mme le nna ha ke bone lebaka la hore ke o tshware ka pelo hape, etswe hono ho ke ke ha ntswela kgomo le kgale. (O kgutsa motsotswana.) Jwale re qeta jwang he bothateng boo?
MOLEFI:O ne o sa tsebe moo o neng o eme teng jwang, athe o na le mosadi le ngwana bao o lokelang ho ba hlokomela Ho tjho hore o ntse o sa hlajwe le ke dihlong tsa sena seo o se entseng?
THABANG: Sebolelo, hle, moratuwa, ako tlohelle ho epolla masapo a kgale tjena, o sekehele sello sa ka tsebe.
SEBOLELO: (Le yena ka bohale.) Leha o ka ba wa nnatha, empa ha e le nnete yona ke tla e bua ho fihlella ke be ke kena ho ona o batang! Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, o tshaba lehala, o balehela moratheng. Ho ena le hore o amohele diphoso tsa hao o tla be o ntshepisa dipaputla kapa hore o tla mphenetha. Kgetlong lena teng nke ke ka tholela masawana le kgale; ke se ke itse ke tla bua hore ha ho le tjee ho be ho petsohe le mafika. (Pontsho o a lla.) Bona hore le ngwana o lliswa ke bokgodumodumo bona ba hao. (O leka ho mo thodisa.) Thola, Nana, itholele hle, ngwanana mmae.
MMASEBOLELO: Ka bokgutshwanyane, ntate, seo ke lekang ho se hlalosa ke hore le yena Thabang ha a nka fatshe, o futsitse bona batswadi bana ba hae. Ho ye ho thwe mokgwa o tloha ntlokgolo o fetele ntlwaneng, mme sena ke sona se etsahalang ha Modise mane. MABOKELLE: Mosadi, ako tlohelle ho ratha hara moru tjena ha ke bua le wena. Ha ke eso ka ba ke re ke batla ho tseba hore mang o futsitse mang ha a entse jwang, empa ke hopola ke botsitse hore lebaka ke lefe le entseng hore boSebolelo ba qetelle ba qheletse moketjana wa bona thoko.
THABANG: Jwale ho tla jwang hore o be o le kwano ka nako ee?
MABOKELLE: Ke a mo tseba Makgwathi hore mokgwa hae ha se potele e kgwathwang ka lehlaka. Ka mehla o dula a le sehlahlo mosebetsing wa hae, mme o rata le hore barutwana ba hae ba tsamaye mehlaleng ya hae hore ba tle ba tsebe ho atleha bophelong.
THABANG: Le jwale o sethoto, Palesa. Ebile ke nyekelwa ke pelo ha ke o sheba tjena. Le lona leseanyana leo o le lebelletseng ha ke sa le batla, o se o tla bona ka ho feta hore o e hlanaka jwang, hoba nna ha ke eso ka ba ke re ke batla ngwana. Hona ke ne ke tla batla ngwana ke mo isa kae ha eka maemo a moruo a a hlobaetsa hakaale ka ntle ka mona.
Ke lapeng ha Modise. Thabang o mmoho le batswadi ba hae.
THABANG: Ako butle hanyane hle, monna Molefi, o ke o mphe tharollo hore ditaba di sebetswa jwang ha ho se ho le tjena.
MABOKELLE: Dumela le wena hle, moradi!
SEBOLELO: Ke a utlwa hore o di tshetleha jwang, ngwaneso, empa leha ho le jwalo o ke ke wa lemoha bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyamella hara bona. Ha ke kgolwe hore o teng motho motseng mona ya ka kgolwang tseo nka di buang ka aubuti Thabang.
MABOKELLE:O re ke sa tla di hopola na ntho tse ngata hakaale na mosadi, ha e le moo botsofadi le bona bo se bo ikakgetse ka setotswana tjena. O hopole le wena hore kelello ya ka ha e sa le tjhatsi hore e ka tshwarella ntho tse ngata tjena ka ha e sebetsa le ho feta ka moo e tshwanetseng ka teng. Jwale wena o be o nahana ekare ke a iketsisa ha ke kopa thuso ho wena. Tjhe, le teng ha ho kgang, botsofadi bo jesa molala wa poho.
MMASEBOLELO: Ha ho se jwalo ho jwang he ha e le mo o fihla o kakatletse ha boima ke dithoto jwalo ka ha eka o tebetswe tjee Kapa ke yena Thabang ya o tebetseng a re ha a sa o batla (Ka bohale.) Ka nnete ke tla mmontsha tosa le madinyane a yona haeba o dulelletse ho hlorisana le wena mona moshemane eo. Ke a bona o nahana hore ha re thotse tjena re a mo tshaba, ke tla mo ruta ho phela le batho! SEBOLELO: Tjhe, mme, ha se yena ya ntebetseng?
DIKELEDI: Tjhe bo! mmannyeo, ha ho jwalo ka ha o nahana. Rona re mpa feela re batla ho o hlaba malotsana le ho o bontsha ka moo ditlamorao tsa ho hlalana di leng bodila ka teng.
SEBOLELO: Ho kopa tshwarelo le ho se kope tshwarelo ha hao ha ho re letho ho nna mona. Mokgwa hao ke o tseba hantle, aubuti Thabang.
MMASEBOLELO: Ako butle le wena, Sebolelo, ka ho bua mantswe a ditshotleho tjena. Bua hantle o tlohelle ho itshela ka dikgapha tjena.
DIKELEDI: Basadi, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete! O a tseba ntho tsena tseo o di buang ha ho na moo di tshwanelang Thabang teng. Le jwale ke swabile nko ho feta molomo, mosadi.
MOLEFI: O tjho jwang jwale THABANG: Ho hang kgomo e kentse leoto ka kgamelong. MOLEFI: Banna! Mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho. Ke hore wena le Palesa ha le eso ye kae kapa kae, empa ke mona le se le qabane, ebile o bolela hore kgomo e kentse leoto ka kgamelong. Ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore ke lekile ka makgetlokgetlo ho o lemosa bohale bo tlang, empa ha o a ka wa rata ho nka dikeletso tsa ka. Jwale ntho e ntenang ka wena ke hore o tlilo kopa thuso ho nna hape, hodima o ne o ntjwetsa masaakokometse maobanyana mona?
SEBOLELO: Tjhe, ha ke eso ka ba ke tsebisa mang kapa mang ka taba ena, hoba ke ne ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke nyopisa morero wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane. Ho fetafeta moo aubuti Thabang o ile a kopa tshwarelo ka seo a ileng a se bua, feela ha ke bone a bakile mekgweng, hoba ke mona o sa ntse a phehelletse ho ya pele.
MMASEBOLELO: Bua hle, mmanyeo, o tlohelle ho tjha ntshi tjena. O re ho etsahalang hantlentle Na o boetse o mathakaka majwaleng bosiu eo monna wa hao?
MMASEBOLELO: Ntate, ako bolaye ntja ena pele ke e etsa ha e phetwe.
DIKELEDI: Atjhe, e-e, nna jwale o a ntlhola ha o se o bua tseo.
SEBOLELO: Ke hlompho efe eo o kileng wa mpha yona Na ke yona hlompho ho tsamaya bosiu o kgaqakaka majwala, mme ha o kgutla o be o re tjodietsa ka hore o tlilo re fenetha?
THABANG: Ha ke tsebe hore ke qale kae jwale.
THABANG: Eo potso nke ke ka e araba le kgale ka ha le wena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e, mosadi, re tlohella jwang taba ee empa o ne o re o a bua Ka mantswe a mang ke yona taba e ntseng e o ngongorehisitse tjena, mme jwale o bonahala o tjha ntshi ha o lokela ho bua?
PALESA: Tjhe, mohlolo o jwalo ona o ke ke wa etsahala le kgale ka ha le wena o tseba hantle hore bakudi ba Rammolotsi mona ha ba fele, bongata ba bona ke bo thibang letsatsi e le ka nnete.
MMASEBOLELO: Ha ho thuse letho hore o tenehe ha ke bua le wena, ntate. Ha ke re ke ntsha maikutlo a ka feela, o tla be o qala o ntja tala. Hantlentle puo ee ya baholo ba rona nna ke e utlwisisa jwang na Ha ke re ho ye ho thwe mowakgotla ha a tsekiswe, jwale hobaneng nna eka ke tla hloriswa tjee?
MMASEBOLELO: Ha ho letho leo ke ikemiseditseng lona, ntate, ke mpa ke tshwela se imetseng pelo ena ya ka, mme ha ho letho le ka nkemang ka pele. Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng ke ka hoo ke ikemiseditseng ho lwana ya sedulwamatswapong ha ho le hobe. Ke ne ke sa swaswe maoba mona ha ke ne ke re ho wena ke mpa ke itlhokela matla feela. Ha ke ne ke le monna ke ne ke tla ba bontsha tosa le madinyane a yona! (O halefa le ho feta.) Ha ke tsebe le hore meleko ena ya batho e ikemiseditse ho re lefa neng, ha e se hona ho re ba re kwetletse lerumo ka kobong!
THABANG: Ke kopa hore o mmamele hanngwenyana feela bophelong hle, moshaneso, etswe taba ena e hlokolosi ho feta ka moo o nahanang ka teng.
Thabang o kena ka kantorong ya Molefi.
MMASEBOLELO: Tjhe, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete. (O sisinya hlooho.) Na ebe o bua tsona na, mosadi?
MABOKELLE: Butle, moradi, ka ho lla tjena. O re tsosetsa maqeba a seng a fodile jwale. Nna le mmao re se re o bolelletse hore re ke ke ra o qhalla matsoho le kgale, feela re tla wa re be re tsohe le wena.
THABANG: Ka nnete setswalle sa rona se tla fela ha o ka nna wa tswela pele ka puonyana tsena tsa hao. O tla tswa ka kantorong ka mona o qathile mohatla, kobo di fokaela sebaeng; ke o robile mehlaharenyana ena ka makotofa a tjhesang. Ke a bona o nahana hore nna Thabang Modise ke potele e kgwathwang ka lehlaka. O ba botse kaofela ba bangata ba kileng ba feta ho nna mona hore ke jwang, ba tla o qoqela ka mofuthu wa diopapina tsena tsa ka.
DIKELEDI: Butle bo! mosadi, ka ho itshela ka dikgapha tjena. Na Thabang o se a boetse a fihla bosiu a kgaqile majwala, a le tshosa ka hore o tlile ho tla le fenetha?
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hosane ha le tjhaba ke phutha mehaswana yohle ya ka, mme ke tla tswa ke ilo ipatlela makgulo a matala nna le Pontso moo re tla phelang ka kgotso teng, etswe lapeng mona ekare ha re a amoheleha hantle. Ha e le ho kgutlela morao teng ke se ke itse setsweng ke hole bo! (O a tswa, mme o ba siya ba ntse ba maketse jwalo.
THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, athe o ne o tiisitse maobane ha o ne o re re qhelele moketjana thoko Na ha o bone hore ena e tla be e le phoso e kgolo ka ho fetisisa na, mohatsaka SEBOLELO: (O mo kena hanong hape.) Ha ho na phoso ya letho mona?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka kgobang matshwafo ka teng ha ho le tjena, Dikeledi. Ke lokela ho ruta Palesa molao, mme ha e le nna le aubuti Thabang se neng se re kopantse se fella hona mona. O se a tla bona hore o hela a itlamela jwang le Palesanyana eo wa hae, mme nna ke amohetse hore mohope wa silivera o pshatlehile ho pshatleha.
MMASEBOLELO:ke se ke thehile tsebe, o ka hla wa wela temeng, ntate.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Eo ha se yona nnete, mme le wena o tseba hantle.
Ke lapeng ha Mabokelle. Shwalane e wele jwale mme ditiletile le tsona di a phethesela mebileng mona. Sebolelo o fihla habo a imetswe haholo ke dithoto tsa hae, mme mokokotlong o pepile Pontsho.
MOLEFI:(O mo kena hanong hape.) Re ka iketsa kgokanyanaphiri jwang, empa o sa bontshe tjantjello ya letho mosebetsing wa hao Hona jwale mosebetsi wa lebenkele lena ke o thibang letsatsi, mme ka mehla ke dula ke le mong mona ho beha maemo leihlo. O tseba hantle hore ha re a tshwanela ho tlohela basebetsi ba le bang le lebenkele, empa o dula o fihla ka mora nako mosebetsing. Ntho eo o e shebileng feela ke hona ho mathakaka ka mora matekatse a Rammolotsi mona, empa o ena le mosadi lapeng kwana?
MABOKELLE: Tjhe, se tshwenyehe, mofumahadi. Taba eno re tla e tshohla hang feela ha re phethetse moketjana ona wa boSebolelo. Ha jwale mosebetsi e sa le wa motonanahadi mane ha Modise.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Mohatisi enwa ekare o tla tena jwale, hoba o etsa diphoso le moo ho seng ho sa hlokehe teng. Ka mehla ha o re o a bua feela; phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi. Ha a ilo wela matjoing kwana mohatisinyana eo wa lona wa masawana!
DIKELEDI: Ha ho le jwalo, na o se o kile wa jwetsa batswadi ba hao kapa ba hae Thabang ka taba tsee tse tshosang hakana, mosadi?
SEBOLELO: Ke tswa lekoteng lefe athe ke wena ya buang le nna ka medumo jwalo ka ha eka tsebe tsena tsa ka ha di utlwe.
MMASEBOLELO: Ke dumellana le wena moo, ntate, feela ke batla ke le lesisithehonyana hore ke ntshe maikutlo a ka ka ho phethahala ha jwale. Ka nnete ho sa ntse ho le teng ntho e sa ntshwareng hantle tabeng ena.
SEBOLELO: Ke nnete moo, mme. Le rona re motlotlo haholo hore re etellwe pele ke motho ya sehlahlo jwalo ka ntate Makgwathi tjena, mme ke a ipotsa hore ke mang ya tla kena dieteng tsa hae ha a ka a beha meja fatshe, etswe e se e le lona kgaba le ileng jwale.
SEBOLELO: Mme, le fihlela qeto jwang empa nna ke sa tsebe?
THABANG: Hao mosadi! Wa tlola ditlhase hakaale ha ke hlalosa hore ke lebaditswe ke eng. Hona na ke phoso ha motho a lebala?
THABANG: Atjhe, nna jwale o a nqaka, moratuwa hape. O re ke tla di tsebella kae taba tsa hao le ngaka, empa ke ne ke se teng le ho ba teng Ha ke re ke wena ya lokelang ho ntlhaba malotsana ka tse etsahetseng ho ena le hore ke sebedise kelello ya ka ka thata tjena?
THABANG: (O a bososela.) Ka ba ka utlwa ke ba morolo ha o rialo, moratuwa wa ka. Le nna ke kopana hlooho ena hampe ha ke o hopola. Ka nako tse ding ke be ke ipotse hore le tla tjhaba neng ke tsebe ho tla bona pabala ya bophelo ba ka. Ke tjho le mosebetsing mane ke se ke touta ka wena feela, Palesa wa ka. (Ba a tsheha.
THABANG:(O tebisa maikutlo.) Ha ke tsebe haeba re tla kgona ho utlwana ka taba na, feela ke a tseba hore o motho ya nang le kutlwisiso, mme ke a dumela hore nna le wena re tla kgona ho fihlella tharollo qetellong ya ditaba.
THABANG:O sa botsa hore ke tebetebe efe Athe ha o bone tebetebe eo ke buang ka yona?
PALESA:O re mang ke leshodu, Sebolelo?
THABANG:O a tseba, ha eba o ne o tseba mathata ao o nkentseng hara wona o ne o ke ke wa keketeha ha monate tjena.
MMASEBOLELO: Ha e le nna ke kgale ke ntse ke mmona moshanyana enwa wa Modise hore ke mahodi a patile maeba, mme eitse ha ke re ke a hlalosa yaba ke qoswa ka hore ke tlilo senyetsa ngwana lenyalo. Bona he hore ho jwang kajeno! Le hokae le mantswe a ka jwale?
THABANG: Ekaba ke efe tharollo eo na, moratuwa?
PALESA: Na o tletse hona ho tla nthohaka, mosadi towe?
SEBOLELO: Se tshwenyehe, mme, ke moholo ha ke le mokaana ke tla itlhokomela.
MODISE: Ho lokile he, mofumahadi, ha a bue re utlwe hore ntlhakemo ya hae ke efe.
MABOKELLE: Mokgwenyana o hlanohetse moradi O bolela jwang na jwale, mosadi?
DIKELEDI: Feela le tla lokela ho tshohla taba ena, mosadi, pele monna a fetoha letlakala ke ho ipolaisa makamotela. Nahana feela ho tla ba jwang hakwakwariri e kang Thabang e se e eja jwang le dikgomo, kapa hona ho sela dijo meqomong! Tjhe, ao e tla be e le mahlabisa dihlong e le ka nnete! Ebile ha ke kgolwe hore o teng motho Rammolotsi mona ya ka thabelang ho bona ha tseo tsohle di etsahala. Feela ha e le ditshoso tsena tsa hae tsa hore o tlilo le fenetha tsona le hle le di shebe ka leihlo le ntjhotjho, mme le phahamele mapoqo e sa le jwale, motswalle.
DIKELEDI:(O kena matshwafo a uba.) Dumelang ka lapeng batswadi!
THABANG: Weso, le nna ke ne ke sa iketse, ke ne ke qhojwa ke lerato le neng le tlokoma pelong ya ka...
PALESA:(O opa diatla.) Basadi! ke eng eka ke hloletswe ha e le kajeno lee?
SEBOLELO: Moo teng ke nnete, ngwaneso. (O kgutsa motsotswana, mme o tebisa maikutlo) Le nna jwale ha ke tsebe hore ke tla etsa jwang ha ho se ho ho le tjena. Ke leka ka mehla hore ke hlole meleko e ntobileng empa ho hang ho a haneha, mmannyeo.
THABANG: Weso, ha jwale ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke tsosa dibata masene ha nka ka tatela ho tshola moro, nama e eso butswe le ho butswa. Ke a tseba hore e ke ke ya eba ketso e bonolo ho etsa jwalo, empa he ke tla itiisa pelo jwalo ka monna hore ke pheme bothata bona.
THABANG: Moo teng ke nnete, moshaneso, empa ho ka etsahala hore leha e le taba tse monate jwalo ebe di dula ha bohlokonyana ho ba bang.
PALESA: Ke tebetebe efe eo o buang ka yona?
THABANG: Hela moreso!
PALESA: Ako tlohelle ho iketsa ngwana tjena, aubuti Thabang. O moholo ha o le mokana, o tshwanetse ebe o lemohile phetoho ena e ho nna.
MMASEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Ngaka, o batla ho reng na jwale O tla mpolella hore ngwanaka o Tjhe bo! e seng ka Sebolelo wa ka. (Dikeledi le yena o a lla?
SEBOLELO: Aubuti Thabang o boetse mekgweng yane ya hae hape ya ho tsekela hara mafifi a sa tsebe hore o tsomana le eng e kaale. Motho wa teng o tla fihla a nkga jwala a re phu! jwalo ka ha eka ke letlakala. Ho tloha moo a qalelle ho rohakana a bile a phaella ka hore o tlilo re fenetha nna le Pontsho. (O sisinya hlooho.) Boitshwaronyana bona ba hae bo mpontsha hantle hore ntho e kgolo eo a re kwetletseng yona ka kobong. (O leka ho nahana.) Ha ho le jwalo ekaba ke efe yona ntho eo, basadi Tjhe, mohlomong le nna ke mpa ke ingongorehisa ka phoso, athe ha ho letho le lebe. Feela leha ho le jwalo re tla boka ha di oroha hore mmela o putela hokae hantlentle. Ke a ipotsa le hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a sa ntata le ho ntata mosebetsing mane, empa ha ho nang, tseo tsohle ke tla di utlwa ka yena ha a fihla(Ho utlwahala modumo wa koloi e emisang ka ntle.) Ekaba ke mang wa koloi jwale hara mafifi a makana (O nyarela ka fesetere.) Oo, ke aubuti Thabang! E re ke mo letele, ke utlwe hore o tla a fupere eng kgetlong lena, etswe ha a fellwa a le tjena ke a tseba. (Ho a kokotwa monyako.) Kena! ha ke a notlela?
MABOKELLE: Le nna ke o tjhaella monwana ntlheng eo, moradi. Ha re menahaneng le mehlala pele nako e re beha merebele.
MODISE: (Ka bohale.) Thabang, hantlentle ke manyala a eng ana ao ke a utlwang ka wena, monna THABANG: Ekaba ntate o bua ka eng jwale?
SEBOLELO:(O phahamisa matshwafo.) Ke taba dife tsona tseo na, aubuti Thabang THABANG: Beha pelo sekotlolong hle..?
MABOKELLE: Tjhe, ano ke maikutlo a hao, mme nke ka pheha kgang le wena ha ho le jwalo. Ke tseba hantle hore mokgwa hao o rata ho opisa batho dihlooho ebile ha o kgotsofale pele sefefo se tsukutla lapa lena. Hona jwale re bua ka bothata ba Sebolelo, o se o etswa lekoteng o bolela ka moo Modise a nkgang lefotha ka teng.
SEBOLELO: Mme, ha ke re ke hlalositse hantle maobane hore ha lena la kajeno le tjhaba ke tla be ke phutha mehaswana ya ka le Pontsho re ilo ipatlela bodulo moo re tla phelang ha monate teng, etswe lapeng mona ho powaneng hore ha re a amoheleha hohang.
MABOKELLE: Ka nnete ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena, haholo jwang e le motho ya nang le seriti tjee motseng moo!
MMASEBOLELO: Ha se hore re a o leleka hle, ngwanaka. Hona re ka o leleka jwang o le ngwana wa lelapa lee?
THABANG: Ho itokolla mosebetsing e ke ke ya eba yona tharollo bothateng bona, seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iketsa kgokanyana...
MMASEBOLELO: Ha eba ha ke bue nnete, hobaneng ba sa fase ntja eo ya bona Ho totobetse hore le bona ba le tjena ba ntse ba kgothaletsa mekgwa ena ya mora wa bona?
DIKELEDI: Ho lokile, batswadi, empa ke ne ke tla thaba hakaakang ha re ne re ka ya sepetlele mane ho ya mmona hore o ntse a eya jwang.
PALESA: Kgoba matshwafo hle, moratuwa. Ha se bakudi feela ba bonang dingaka...
PALESA: Ee, ho feela ho le jwalo, moratuwa. Ke tshepa hore ke se ke o atameditse haufi le tharollo ya selotho sena jwale.
MMASEBOLELO: Le wena, ntate, o sefelapelwana, o tatela ditaba jwalo ka ha eka di a baleha o sa batle le ho mamela motho ha a bua.
SEBOLELO: Le jwale ke bua nnete, aubuti Thabang. Matsatsing ana ha o sa re natsa ka letho nna le Pontsho, mme ke a tiisa ke a hlapanya, ka leng nnete e tla hlaella poyaneng. O tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane.
SEBOLELO: Ke kopa hore mme a mphe sebaka hannyane feela hore nke ke phomole hanyenyane feela, etswe ha ke eso ka ke fumana kgefutso. Ntate yena o kae?
SEBOLELO: Itjhuu!! Nthuseng ke a shwa! Joweee! Ka tla ka le bona la moepamolelle, monyolosathaba wee!!
THABANG: Ako tlohele ho itshela ka dikgapha tjena hle, Palesa. Hohang nna jwale ha ke sa tseba hore ke hlalose jwang ha o itlhomotse pelo tjena. O tseba hantle hore ka mehla ke leka ka hohle ho o kgotsofatsa, empa o mmaneha dibato tse sa ntshwaneleng le ho ntshwanela. Ebile ha ke utlwisise hore hobaneng o dula o kenya Sebolelo tabeng tsa rona tjena. Ke leka ka hohle ka moo nka ka kgonang ka teng ho o etsetsa tsohle tse molemo, empa tseo tsohle ha o di bone ka letho. Mokgwa hao ke lemohile hore o motho ya fetohang jwalo ka maemo a lehodimo.
THABANG: Mme wee, ke kopa hore o se ke wa mpitsa ntja jwalo ka ha eka o a mphepa tjena. Ebile ke tloha ke be ke le hlokela tlhompho hona jwale tjena le be le sulafallwa ke thabo.
MMASEBOLELO:O re ho thweng na, Dikeledi Hlalosa hle, mosadi, o ke o tlohelle ho itoma leleme tjena le wena?
SEBOLELO: Ke re ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka tjhetjhellang morao ka teng ha ho se ho le tjena. Ebile ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi ya ka dulang le monna ya tsamayang a jalajala bana hohle moo a tsamayang teng.
Sekolong sa Rehauhetswe. Dikeledi o mmoho le Sebolelo.
MMATHABANG: Ha ke tsebe ke sa tla reng ha ho se ho le tjena, ntate.
SEBOLELO: Ee, ba a tseba le bona, mme. Ke se ke ile ka ba hlaba malotsana, mme le bona ba swabile nko ho feta molomo ke boitshwaro bona bo hlephileng ba aubuti Thabang.
PALESA: Taba ya pele, Thabang ke yena ya mpherehileng, a bolela ka moo a nthatang ka teng, mme ho ne ho se ka moo ke neng ke tla mo phoqa ka teng.
MMATHABANG: Tjhe, ka nnete bona ke bo bong bofokodi boo re bo bontshwang ke mora enwa wa rona, empa a hodile a le mokana. Ke nnete e tswileng matsoho hore ha a ena le mathata o tshwanetse hore a qale ka ho bolela kwano lapeng pele, feela yena ha ho bonahale e le tseo a di natsang tseo kaofela.
Mmathabang. Ke re le hona jwale tjena ha ke no tswafa ho le tshwarisa phupe ka lefe ha e le hore le nkganela ka madi a ka.
MMASEBOLELO: Le nna ho tloha kgale ke ntse ke sa mo utlwisise hantle moshanyana eo, empa ke ile ka ba ka tlameha ho mo hlompha hobane e ne e le mokgwenyana wa rona (Ngaka o boela a kgutlela ho bona hape.) Be! ke wena hape, ngaka. Ekaba ho ntse ho eya jwang na ka Sebolelo ka moo Na le se le qetile ho mo etsa oporeishene?
MMASEBOLELO: Ha se yena ya o tebetseng jwang, mosadi Kapa ke wena ya ngadileng?
matsatsinyana feela, mme e re moo re sa ntseng re ile le kgongwana hodimo teng, o boele o fetole mmala jwalo ka lempetje. Ho hang ha ke sa o tshepa hantle, ekare o tla tloha o tjheha phiri ka motho ha ke sheba tjena.
SEBOLELO:(Ka moya o fatshe.) Aubuti Thabang (Eka o fellwa ke moya.) Atjhe... ha mpe re e tlohele eo taba...
MOLEFI: Ka nnete o hlabisa dihlong, monna Thabang. Hona jwale tjena le tla be le keteka dilemo tse pedi le nyalane wena le Sebolelo, empa ka hlakoreng le leng o se o ntse o qalella ho iketsa phiri ka hara tlalo la nkwe ho molekane wa hao.
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ha ke hane hore o halefile, ntate, empa ha o a lokela ho dumella kgalefo ena ya hao hore e o phehise hlama ka tsela e tjena. O nne o hopole hore o phela le batho ba nang le maikutlo jwalo ka wena, mme ha o a lokela ho tabola feela ha o bua.
PALESA:(O tebisa maikutlo.) Sebolelo o tla reng feela ha a ka utlwa hore nna le wena re na le dikamano tse tebileng tjee Hona o tla etsa jwang ho netefatsa hore ke dula ke thabile?
SEBOLELO: Hona jwale le hlolwa ke eng hore le ntshehetse ha e le moo le nkemelletse ka hore ke kgutlele bohading. Nna ke ntse ke le bona hore le se le fiela ka dintshi fatshe ha le mpona.
THABANG: Atjhe, ka nnete ho tlola ditlhase ho ke ke ha o tswela kgomo le kgale, Palesa...
MABOKELLE: Kgoba matshwafo hle, mofumahadi...
MMASEBOLELO:(A keleketlisitse meokgo.) Ngaka, hantlentle hobaneng le re sebetsa hampe tjena?
THABANG:(Ka bohale.) O a e bona he ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ya ho nqobella hore ke o qoqele ditaba ha o qeta o be o tlilo nqosa jwalo ka ha eka ke motshwaruwa! Ke ile ka o jwetsa di sa thakgoha feela hore taba tsena di ka thabisa pelo ya ka, mme tsa se dule tsa ba bang hantle. Ho fetafeta moo ke wena ya nkentseng kgotjheletsaneng hore ke o tsholele mabinabine a pelo ya ka. Ebile ho ka ba molemo haholo ha re ka ra etsa taba ena mohatla kgwiti pele e nka mothinya osele.
THABANG: Sebolelo, ke a o rapela hle, moratuwa.
SEBOLELO: Ha o utlwe ke bolela hore ke na le kgwaonyana ka aubuti Thabang. Ho hang ha e sa le yena yane wa maoba le maobane eo ke mo tsebang. Ke re le tsona dijo tseo ke di phehileng ha a sa di ja le ho di ja. Ntho e nngwe to ka monwana! eo a e etsang ha a le lapeng mane. (O kgutsa motsotswana.) Motho wa teng o tla tsoha hoseng ka matjeke a se a ntse a le maoto a oka ditlhabela. Ho tloha moo o tla kgutla bosiu ka nako tsa baloi.
MOLEFI: Le jwale ke sa tiisa hore ke bona basadinyana bana ba hao ba tletseng naha, ba etsang hore o be monyebe ha o lokela ho etsa mosebetsi wa hao. Ho tloha moo o tla be o bolela hore mosebetsi o opisa hlooho. Ha ho na mosebetsi o opisang hlooho ya letho mona, feela mokgwa hao o qetwa ke botswa.
MODISE: Ho lokile, mora, nna ke a o tshwarela, etswe ho o tshwara ka pelo ho ke ke ha ntswela kgomo ka letho. Feela leha ho le jwalo o dule o tseba moo o emeng teng, hoba ha o sa itlhokomele o tla iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng.
MMASEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke kgobe matshwafo jwang, ntate, empa re ntse re senyehelwa ho ya pele tjena Rona re phethahaditse tsohle tseo re neng re lokela ho di etsa, mme le bona ke dipaki tsa seo. Re mo phahletse, ra ba ra mo etsetsa meetlo yohle ya Sesotho e neng e hlokeha. Jwale ntho e mpherolang dibete ka ho fetisisa ke hore bona ba hulanya maoto ha ba lokela ho re lokisetsa seo e leng sa rona?
MMATHABANG: Ha se hore ke a mo buella, ntate, feela ke ne ke hopola hore moro kgotla ha o okolwe mafura. Mme ka tsela e jwalo ke ne ke sisinya ho ntate hore a fe mora sebaka hore le yena a ntshe maikutlo a hae. Ke a dumela hore molato ona wa hae o tla nka nako pele o ka wa fela, empa leha ho le jwalo ke a kopa, ke wa ka mangole fatshe hore ha thupa ena e mpe e otle fatshe.
THABANG: Na o tiisitse, Palesa, ha o re o...
THABANG: Ho lokile he. (O kgutsa motsotswana, a nto thetha sehohlola.) Monna, ka nnete le nna ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae, feela leha ho le jwalo seo nka o jwetsang sona ke hore ke fumane pabala e nngwe tjena ya mooki tliliniking yane e ka Marantha. A re lebitso la hae ke Palesa Lebajwa. Ka nnete ke tjha mpa le seatla ke nyenyeula eno! Na ekaba o a mo tseba motho eo ke buang ka yena, moshaneso?
MMASEBOLELO: Ekaba ke mang jwale eo na, ntate?
SEBOLELO: Ha se phoso ha motho a lebala, empa jwale o feteletsa ditaba le moo ho seng ho sa hlokehe teng, mme hono ho mpontsha hantle hore ha o sa na taba le merero ya lelapa lena. Ke re le ntho tsa bohlokwa o iphapanyetsa tsona jwalo ka beng ba dikolobe. Ha ke tsebe hore o jewa ke eng hantlentle, monna towe. (O kgutsa motsotswana.) Ho tjho hore ha o sa na thahasello le moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, ha ho jwalo ka ha o nahana hle, mohatsaka. O a tseba le wena hore re tshwara tau ka ditlena jwang lebenkeleng mane, mme hono ho etsa hore motho a dule a ferekane..?
MODISE: Ha ho le jwalo ke eng a sa tle kwano lapeng a tlo re bolella hore ho nkang sebaka ke eng, ho ena le hore a thole feela tjena Hona jwale ha se lebitso la hae le tla hohobanngwa seretseng, ke rona ba tla bang ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ha ke bone ka moo molato ona o neng o ka wa mo palla ka teng ha a ne a ka o lefa hanyane ka hanyane. O a tseba le wena hore mekgwa e mengata ya ho bolaya katse?
PALESA: Hao Thabang! Hobaneng aubuti eo a ntlhapaola hakana, empa ke sa mo tsebe le ho mo tseba?
SEBOLELO: Ee, ke ikemiseditse ho hlala, mme. Hohang ha ho na ka moo nka dulang le motho ya boitshwaro bo hlephileng tjena, ya tsamayang a jalajalana le bana hohle motseng mona. Ebile ha se lekgetlo la pele ke mo kgalema, empa a sa mamele. Jwale ke etse jwang ha ho le tjee Tlhalano ke yona feela tharollo hore e mong le e mong a inkele tsela ya hae?
DIKELEDI: Jwale wena hobaneng o sa latele dikeletso tsa hae?
DIKELEDI: Le nna, batswadi, ha ke bone ho hlokeha hore le phehe kgang mona, etswe le baditjhaba ba kwano ba tla le bona mafolomabe, ba tla tseba le tseo ba neng ba sa lokela ho di tseba.
SEBOLELO: Ke ile ho mosebeletsi wa setjhaba ka maikemisetso a ho hlala Thabang, empa jwale mantswe a hae mosadi eo a ile a etsa hore ke hopole lerato le mofuthu le ileng la nkopanya le yena le pele re nyalana. Ka tsela e jwalo o nkgothaletsa hore ke se ke ka mo hlala, ke mpe ke mo tshwarele hore re lebale ka tse fetileng.
PALESA: Pele re ka ra tshohla eng kapa eng, aubuti Thabang, ke kopa hore o e lale ka mmele taba yane ya maobane. Ke a tseba hore o tlohile lapeng mane maikutlo a hao a lwantshana, ke maswabi haholo ka seo. Ke lemohile ha morao ka moo ke bileng sethoto ka teng ka ho o tjodietsa ka ntho tsa lefatshe lena kaofela, mme ke ikwahlanyela seo haholo feela e seng hanyane.
MABOKELLE: Tjhe, nna jwale o a ntlhola, ngwanaka, ha o bua tjena. Re leka ho o bontsha mabaka jwalo ka ha re ile ra dumellana le ba bohading ba hao.
PALESA: Jwale nna ke kena ka dife hona moo, hoba o ile wa hana hehehe! ha ke ne ke re o mo hlale o inyalle nna Le jwale o tla be a o laile Sebolelo etswe ha o tshepahale o le tjena. O ne o sa phetse ho ntjwetsa ka moo o nthatang ka teng, mme ke ile ka lemoha phiri e se e jele hore mokgwa hao o motjodi o tono se sephatswa. Batho ba sa o tsebeng ba ka ba ba tjho hore o motho ya lokileng empa ho se jwalo. Ke hopola hantle maobanyana mona ha ke ne ke o botsa hore ana o feela o nthata na, kapa o batla ho ntshebedisa feela. O ile wa bolela o bile o ikana hore ha ho letho le ka la re arohanyang, mme le nna ka bothoto ke ile ka ya le kgongwana hodimo hore o feela o nthata. Jwale ha ke batle hore o balehe ka kelello ya ka hape lekgetlong lena, etswe ke a o tseba hore o lemenemene o le tjena?
MMASEBOLELO: Ke a e bona taba jwale, ngwanaka. E le hore hantlentle o bua ka Palesa ofe na, mosadi Na o bua ke eo ke mo tsebang, ke bolela yane wa mooki tliliniking e ka Marantha?
MMASEBOLELO: Se ise pelo mafisa hle...
Letshaba ke mohlophisi wa ditaba lesedinyaneng la setjhaba le fumanwang dikarolong tse bohareng ba porofensi ya Leboya-Bophirima. Lesedinyana lena le phatlalatswa ho tswa motsemoholo, Mafikeng.
DIKELEDI: Hao Sebolelo mosadi! Wa shebahala o sa thaba tjee ekaba molato ke eng na, Mmannyeo?
PALESA: Atjhe, e tjena ntho nke ke ka e emela le kgale. Haholo ha ke qholotswa tjee. (O leba rakeng mme o ntsha thipa e mona e keng e sebediswe selakgeng.) Ha ke kgolwe hore o sa tla e phetha ntho ena eo o ntseng o nketsa yona.
SEBOLELO: Bona mona, Palesa, nna ha ke bana bao o tlwaetseng ho ba hlorisa. Ke a bona hore o nahana hore ke sephoqo hoo ke neng nke ke ka tseba ba ntjang direthe. Hommeng he leshodu ke le tshwerweng ha e le kajeno lena.
PALESA: Ee, ke taba tse monate, wena ako nohe feela hore ekaba dife.
MODISE: Ke yona he e nngwe ya ntho tse bontshang ka moo o hlolwang ke boikarabelo ba hao ka teng, mora. Ho e na le ho re o bope lelapa la hao hore le tiye, ke wena ya kenyang metsi ka moedi.
THABANG: Sebolelo, ha ke batle hore re phehe kgang ka ntho tse siyo mona. O tseba hantle Pontsho ke thatohatsi ya ka, mme ha ho na ka moo nka ka qhobang bophelo bona ka ntle ho yena ka teng.
PALESA: Ee, le jwale ke itshepile.
SEBOLELO: Na o tla qetella o buile taba ee ya hao, kapa ke itsamaele?
THABANG: Empa o ka be o ntsebisitse pele o ka etsa jwalo, Sebolelo. Hona jwale ntate le mme ba tla reng ha ba mpona. Hohang ba tlilo tla nkuka jwalo ka otseotse hara diotseotse.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Feela o etsa jwang?
SEBOLELO:(O phahamisa maikutlo.) E mabapi le ngwana!
DIKELEDI: Pelo ya hao ha e a kgotsofatswa ke eng na jwale, mmannyeo, hoba ke moo mosebeletsi wa setjhaba o o file dikeletso tse molemo?
DIKELEDI: Ako bue hantle hle, mosadi! O re Thabang o o entseng se sekaale ha e le moo o se o sheshenella banna kaofela le ba se nang molato?
SEBOLELO: Aubuti Thabang, nna jwale ho fihla moo ke kgitlehang dibete ke boitshwaronyana bona ba hao. Ebile ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ho ba monyebe hona ha hao ha o lokela ho rarolla mathata a lapa lena. Ntho e dumadumang kelellong ena ya hao ke ho kgaqakaka majwala feela o sa natse taba tsa lapa la hao ka letho.
MABOKELLE: O bolela hore Thabang o tshositse Sebolelo ka hore o tlilo mo fenetha yena le Pontsho?
MOLEFI: Tjhe kgetlong lena o feela o tswile lekoteng e le ka nnete, monna Thabang. Sethatong o ne o ipoledisa ka moo o seng o le lehlohonolo jwalo ka tshitshidi ka teng, le hore ha o kgolwe hore ho sa ntse ho le teng motho ya ka o besang o tuke ho wena mona. Empa jwale o a mmakatsa ha o se o bolela hore ntho ena e o thabisitseng tjena ke pinyane, ha e a lokelwa ho tsejwa ke batho. E le hore hona o tla ipipetsa pelo ka yona ho fihlela neng hoba ke mona le wena o ne o sa tswa bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo yang teng?
MABOKELLE:O a utlwa he, mofumahadi, hore Ngaka o se a hlalositse ho feta ka moo ke neng ke tla hlalosa ka teng. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iphumola dikeledi, mme o behe pelo sekotlolong ho fihlela dingaka di be di phethile mesebetsi ya tsona.
MABOKELLE: Ako butle hle, Mmasebolelo, ka ho emella ngaka ka dipotso di hana ho fela tjena. Banna bana ke a ba tshepa, ba tla hle ba etse mosebetsi o tswileng matsoho ho ka pholosa bophelo ba Sebolelo.
swaswa maobane ha ke ne ke o bolella hore ke tlelwa ke mohopolo wa hore re qhelele moketjana ona thoko. Kgetlong lena ke bua ke sa tjhetjhelle morao hore ha ho sa na mokete wa letho mona, ke phetho ke tu! Ebile ha ho sa na letho leo ke tla boelang ke le tshohla le wena hape mabapi le taba ena.
SEBOLELO: Se ka ntlhasela ka dipotso tjena le wena Dikeledi, ha ke re ke a tla ntlheng eo.
MOLEFI: Monna, ha ho ka moo nka behang pelo sekotlolong ka teng empa ke bona hore o bipile ntho e kgolo ho wena mona, mme ha o sa ntjwetse yona hona jwale, o tla shwella tharing jwalo ka ngwana ya sa lleng ke hle ke o jwetse. Matsatsing ana batho ba bangata ba bolawa ke pelo ekasitana le mahloko a mang a kgatello ya maikutlo ka lebaka la ho ipipetsa ka ditaba ba le bang. Jwale he, weso, le wena ke o hlaba malotsana hore o se ke wa ikgatella maikutlo re ntse re le teng tjena.
PALESA:(O mo kena hanong.) Feela eng Ha ke batle tlhaloso ya hao mona. (Sebolelo o leka ho tshola tlhako morong, empa ka bomadimabe a kgotjwa a wa, le pele a etswa ka tlong. Ka nako eo Palesa ke ha a se a le hodima hae ka thipa?
THABANG:(Ka ho makala.) Ho bolela hore o no lomahantse meno ka taba ena Sebolelo, ha e le moo o se o bile o tsebisitse batswadi ba rona hammoho le setjhaba sohle hore ha ho sa na moketjana kwano?
PALESA: Ha ke re o a tseba le wena, aubuti Thabang, hore ke batla re phele ka kgotso ho isa...
MABOKELLE: Empa, ngwanaka, ako hlomphe dikano tsa hao tsa lenyalo tseo o ileng wa di etsa hore wena le molekane wa hao le tla arohanngwa ke lefu feela.
THABANG: Sebolelo, ke a tseba ebile ke utlwisisa ka botlalo taba ya hore o tlilo ntlhala, empa leha ho le jwalo ho sa na le tabanyana eo ke batlang hore re ke re e dulele majwana pele. Le hoja batswadi ba ka ba ne ba tlile kwano ho tla nkopela tshwarelo, empa tseo tsohle ha ke sa di natsa ka letho hoba di ke ke tsa hlola di ntswela kgomo le kgale.
SEBOLELO: Ha ke na taba le hore batho ba tla reng, hoba ke tla be ke etsa se tla beng se kgotsofatsa pelo ya ka.
MABOKELLE: Sebolelo, ako butle...
DIKELEDI:O makatswa ke seo ke se bolelang jwang empa le wena o ntse o ipona hore ha o a phuthuloha le sefahlehong Kapa o se o kula na, mosadi, ha e le moo o ipipeditse maikutlo hakaale?
THABANG: Ho sa kgathalatsehe hore ho etsahalang, monna, feela nnete ke hore ke tla be ke kgotsofaditse pelo ya ka. Ho fetafeta moo ke etsa tsena tsohle ka lebaka la lerato le ho phethahatsa merero ya pelo ya ka.
MMASEBOLELO: Joweee!! E seng ka Sebolelo wa ka! O se kgitla le ho feta, mme Dikeledi le yena a se kapa. Mabokelle le Ngaka ba leka ho ba thodisa, mme ho kena le baoki ba bang ho tla ba thusa.
SEBOLELO: (O mo kena hanong.) Hlalosa taba ya hao he o tlohelle ho ntjwetsa hore ke behe pelo sekotlolong. (O sheba nako.) O a bona le wena hore nako e se e ntse e nkeme maqothe ha bohloko feela.
THABANG: Ngwaneso, le hoja ke ikutlwa ke le mafolofolo tjena, empa ha ke bone ho hlokeha hore ke phetlele mohatla nku mashodu e sa le jwale, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ntsha mosi ka lengope. O a tseba le wena hore koma ha e ke e binwa hara motse. Jwale o batla o hlile o nqaka haholo ha o bolela hore ke o kumele mabinabine a pelo ya ka, empa le wena o tseba hantle hore pinyane ha e senye motse.
SEBOLELO: Se tshwenyehe ka nna tjena, Dikeledi. Ke bua nnete ha ke re ha ho letho le ntshwenyang, ntle feela le yona ntaramane ena eo ke ntseng ke lla ka yona ha jwale.
O ile a ithuta hape tsamaiso ya dikantoro (Office Administration) ka ngollano. Ha jwale Letshaba o ithuta ka ngollano le Yunivesithi ya Afrika Borwa moo a etsang mokgwepha wa lengolo la dikgokahano (BA in Communications).
DIKELEDI:(Ka ho se kgotsofale.) Empa, atjhe bo! mmannyeo, nna ha ke kgolwe hore o ntjwetsa nnete e felletseng. Hohang ekare taba tsa hao di a bata ha ke sheba tjena.
MMATHABANG: Moo teng o tla be a re hlotse le hoja re sa lwana le yena, empa leha ho le jwalo re tla tlameha maoto le matsoho hore re thenthelle mapenenyana a rona a ho qetela ho ka hlakola molato ono...
SEBOLELO: Tjhe, ke a e utlwisisa le yona ntlha eo, empa ha e le Palesa yena o tla utlwa ekare o penngwe ke notshi tsa semana ha nka ka mo tshwara mona.
MMASEBOLELO: Tjhe, nna, ngwanaka, leha e le hore ha ke nwesane metsi le yena, empa ha ke o kgothalletse hore o nkuwe ke maikutlo ka pele tjena, hoba ke mona o hlalosa hantle hore o sa ntse o mo rata. Nahana pele ka bokamoso ba Pontsho, mme e be hona o ka itahlelang lemeneng la ditau.
SEBOLELO:(A le haufi le monyako.) Ha ho letho leo nka ka le tshohlang le wena ho ya pele ka ha ke mona o se o ntse o bolela hore re kgine ditaba pele di nka methinya esele. Ka tsela e jwalo ha ke a ikemisetsa ho fahla mmuso ka lehlabathe ha jwale. Ke se ke ile he! O se o tla sala o eja masapo a hlooho o le mong hoba ke a bona hore ha o a ikemisetsa ho ya lebenkeleng kajeno. (O a tswa.
THABANG: Sebolelo, na o a elellwa hore o nkentse hara mathata ka ntho ee eo o e entseng Hona hobaneng o sebetsa ditaba ka setu empa nna o sa ntome le ho ntoma tsebe Teng ha ntate a ka a mpotsa ke tla ikarabella ka le reng eng?
SEBOLELO: Ho neng o kopa tshwarelo na, motho wa Modimo Hona o kopa tshwarelo ka mabaka afe jwale Ebile ke botshepehi bofe bona boo o bolelang hore o bo hlokile ho nna?
PALESA:(O a itlhomola.) Aubuti Thabang, na o feela o tiile ha o re o a nthata, kapa o mpa feela o leka ho bapala ka nna?
DIKELEDI: Na o a elellwa hore ha o hlala Thabang, o tla be o thabisa dira tsa lona?
MABOKELLE: Mmasebolelo, le re ngaka a bue jwang jwale ha le dulellane le ho mo qhobella majwe hanong tjee Ke kopa hore le ke le mo nehe sebaka hanyane feela hore a tle a tsebe ho hlalosa seo a tlileng ka sona kwano?
THABANG: Ka nnete ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele ka tsela e tjena, empa ke leka ho o bontsha mabaka a...
DIKELEDI: Kgoba matshwafo hle, mme Mmasebolelo.
SEBOLELO: Ho bolela hore o bona ditaba ka leihlo lesele, Dikeledi, hoba nna ke ipona ke ntse ke ipheletse hantle, ho se letho le lebe, mme ke makatswa haholo ke sena seo o se bolelang.
MMASEBOLELO: Na ba ka hla ba hlolwa ke mokitlane o mokananyana feela, empa ho se ho bile ho kodumetse lemo tse pedi kaofela Ebile ha se boikarabelo ba boSebolelo hakaalo hore ebe mokitlane ona o be o ntse o salletse morao le ho fihlela lena le hodimo. Batswadi ba Thabang ke bona ba molato. Ke na le tumelo e feletseng hore Modise ke yena ya sataladitseng molala ho ka lefa mokitlane ona. Ke mo hloile hampe monnamoholo eno ya tedu tse putswa tse kang ntja e momme sekatana. Hoja a ne a le siyo ho ka be ho rena kgotso pakeng tsa malapa ana a mabedi. Jwale boteng ba hae ke bona bo ntseng bo nyopisa merero le ho feta tjena?
THABANG: Eitse ha ke tjhaisa ho tswa mosebetsing ke fumana Sebolelo a iphile dimenyane ho ya lapeng habo, mme a ntshietse molaetsa o reng o tlilo ntlhala.
SEBOLELO: Aubuti Thabang o boetse o qadile tse ding hape, mme.
MMASEBOLELO: Le nna, ngwanaka, ke a o tshehetsa morerong ona wa hao, empa ha se hore ke o kgothalletsa hore o mo hlale. Ka nnete thaka tsa lona di tla tsheha ka lona ha di le bona hore le hlolwa ke ho itjarela mathata a lona. Ke kopa hore o ke o jelle taba eno masapo a hlooho pele o ka nka qeto, mme ka moso wa be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho le tjena.
MMASEBOLELO: Ntate, Sebolelo a re ba tena ba qhelela moketjana ono thoko tjena ho latela mathata a lelapa a ke keng a qojwa ha bonolo.
MMASEBOLELO: Le nna, ntate, ha ke tsebe hore nka hlalosa tshwabo ena ya ka jwang ha e le mona bana ba rona ba re ntsha mejo hanong tjena. Empa le teng ha ho letho leo re lokelang ho le etsa ha ho se ho le tjena, hoba ho ya ka Sebolelo ba bone ena e le yona qeto ya bohlokwa maphelong a bona.
PALESA:O batla ke mamele tsona ditsiebadimo tsena tsa hore Sebolelo o batla ho o hlala Tjhe, ke maswabi ho o bolella hore ha ke na yona tjheseho ya ho ka di mamela, etswe ha ho na motho ya o loileng, o itoile ka bowena. Mohlomong le yena Sebolelo o ne o ntse o mo thetsa jwalo ka ha o tlwaetse ho nthetsa, etswe ho wena mona taba di mahlong hore o jele tlwae ke ntho ena ya ho bapala ka maikutlo a basadi?
THABANG: Ke bua ka Pontsho, ntate.
THABANG: Leha re ne re ka ra keteka lemo tse lekgolo re nyalane, ho salang ke hore nke ke ka hatella maikutlo a ka le kgale. Ebile ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka se keng a thabela ho utlwana le pabala e botle bo hlollang jwalo ka Palesa tjena. Ke bolela le bona bohloohoputswa ha ba sa itheka morwalo matsatsing ana. E mong le e mong o batla ho tswa a hamme e tswele le mohasula. Ho hang ha ho ngwana e motle ditjhabeng, lehlanahlana ke la motimahlaha. Jwale o ne o lebelletse hore rona boThabang re etse jwang hara lehesheheshe le tjee, moo dipitsa di dulang di pjatla?
Lapeng ha Modise, mme o dutse le Mmathabang.
MABOKELLE: Hela, Mmasebolelo, ana le re moketjana wa boSebolelo wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane o ilo ba neng na, mosadi?
THABANG:O tla mpolella hore o...
THABANG: Hobaneng ha re tshohla tsa kgwebo, wena o be o hlapaola basadi ba ka O a tella mokgwa hao ke a bona. Ke a tloha, Pele ke o antsha phooko ha eba ha o tsebe moo ho bapallwang teng?
MODISE: Jwale, mofumahadi, re tla etsa jwang ha ho ka ha etsahala hore a re bolelle sefamahlo hore ha a na tjhelete ya ho ka lefa molato oo?
MMASEBOLELO:O batla ho ya kae jwale o ferekane maikutlo tjee, Sebolelo?
MABOKELLE: Lebala ka tsona...
SEBOLELO: Ha ho le jwalo he nna ke se ke leba mosebetsing, etswe le nako ke yena e se e ntse e mpehile merebele e le ka nnete.
MODISE: Ka tsela e jwalo o bona e tla be e le ntho e nepahetseng ha re ka ra kenya Thabang kgotjheletsaneng hore a be a lefe molato oo?
MMASEBOLELO: Ha ke re jwale ke ne ke batla ho o lemosa pele ka moo mokgwenyana enwa wa rona a tebileng le ho feta kweetsa ka teng, le hore o tsebe hore mekgwa ena ya hae e ditshila o tswa e thonaka hokae.
fihle pheletsong, ke kopa hore o ntokollele Pontsho hore ke ikgodisetse yena.
THABANG: Monna, o motho wa ho qetela eo nka kopang thuso ho yena lefatsheng mona. Ke o bolelletse hore ke moholo ha ke le mokana, ke tseba phapano pakeng tsa botle le bobe. Ebile ke bophelo ba ka bona ha se ba hao. Le jwale ke sa toboketsa hore Palesa ke a shwa, ke a ikepela ka yena, mme ha ho letho le tla nkarohanya le yena. Ke tla mo rata ho fihlela re be re arohanngwa ke lefu feela.
Ba kena ka kantorong, mme ba koba mangole.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ebile bosiu bona bo sa tswang ho feta ke bo qetile ke ntse ke eja masapo a hlooho, ke leka ho thuisa taba ena ya moketjana wa rona, mme kgabareng ke ile ka ba ka fihlella qeto ya mapomelo. Ho hang ho tu! ha ho sa na moketjana o tla ketekwang mona, hoba ke mona o leqe ha o lokela ho phahamisa maoto ho ka etsa ditlhophiso.
MMASEBOLELO:(A le mong.) Monna enwa ke a bona o nahana hore ke tjha ntshi jwalo ka yena. Ho hang ho tu! nke ke ka dumella masawana hore a etsahale ke ntse ke le teng. Sebolelo ke moradi wa ka le nna, mme ke na le tokelo ya ho ntsha maikutlo a ka ha ke bona dintho di sa ye ka theko. (O kgutsa motsotswana.) Ha e le difelekwane tsena tsa ha Modise tsona di ntse di tlilo se bona thotsela sa motsheare. Ke Mmasebolelo nna, ha ke potele e kgwathwang ka lehlaka!
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Weso, Palesa o ne a tlilo mpolella hore o ithwetse ha o mmona a ne tlile kwano.
THABANG:(O kgathetse matla.) Atjhe, nna jwale ha ke sa tseba hore ke etse jwang ha o se o jele dipekere tjena ka nnete, hoba ha ke re ke a bua feela, o mpeha dipha. Ho molemo hore ke hle ke itholele, etswe maikutlo a ka a dula a qhelelwa thoko.
MMASEBOLELO: (Ka ho makala.) O robile Palesa lengole O batla ho ntjwetsa dife na jwale, Sebolelo?
THABANG: Athe o ne o nahana hore ke a bapala Ke batla ngwana wa ka hore ke ilo ikgodisetsa yena etswe ke a elellwa hore wena ha o sa na taba le nna?
SEBOLELO: Ke mabapi le lenyalo la ka Ekaba ho se ho etsahetse eng na jwale?
ile a betwa ke pelo ha a tla hlahelwa ke kotsi ena. Le nna ke ile ka leka ho buisana le yena hore a kgaohane le ntho tse ngata, mme yena o ile a bona hore a ilo qholotsa Palesa. Feela leha ho le jwalo haesale taba ena e mo dutse hampe hore ebe Thabang o robile ngwanana e mong lengole empa e le molekane wa hae.
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Thola! Ha ke a re ke batla ho utlwa puonyana tsa hao tse nkgang mona. Ke a bona o nahana hore ke tla tholela manyofonyofo ana a hao, moshemane towe! Mona teng ke ha ka, mme seeta ho lla sa ka ke le mong feela. Ha eba o nahana hore o tla tlisa bokakonyana bona boo o tlwaetseng ho bo etsa ha hao mane, o hle o lebale ho tu! ka bona ha ka mona. Ho seng jwalo o tla tswa mona o sa hetle le ka morao, moshemane.
THABANG: Ya bohadi yona ke e tseba hantle, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka e tshohla ha morao, re se re qetile ka kenyakenyahadi ena ya taba.
MMATHABANG: (Ka ho makala.) Butle bo! ntate, o tswa di kga kae na tseo jwale?
SEBOLELO: Ho ne ho se ka moo o neng o ka mo phoqang jwang empa o tseba hantle hore o nyetse?
DIKELEDI: Se ka nkuwa ke maikutlo tjena, Sebolelo, ya re ka moso o be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho se tjena.
MABOKELLE: Ho bolela hore kutlwano ke ntho e ntseng e le siyo lapeng leno?
MABOKELLE: Tjhe, e seng jwalo hle, mofumahadi. Nna ke mpa ke nyatsana le ho ikwahlahela dintho tse siyo hona ha hao, etswe ha se tsona tseo re di tletseng kwano. Re tletse ho tla tshehetsa Sebolelo mahlabeng ao a leng ho ona.
SEBOLELO: Ke re wena o leshodu kapa o ne o nahana hore ke bua le mang empa re le babedi feela ka tlong ka mona Ke a bona hore o se o jele tlwae ke ntho ena ya ho phela ka tsa ba bang, mme pinyane ena ya lona e se e hlahelletse poyaneng jwale?
MABOKELLE: Ke se ke itse re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang ya opileng kgomo lenaka, mosadi. Feela seo ke se tsebang ke hore o tla be o itatola bosehla ha nako eo e fihla.
PALESA: Hantlentle ke ile ka ikopa ho ya bona ngaka...
SEBOLELO: Oho! ke a bona jwale. Ho bolela hore o tlile kwano ka morero le sepheo sa ho tella?
MMASEBOLELO: Qhobeshano ke e kgolo lapeng la bana bana, mme hono ho tjhorisitswe ke hona ho qhelela moketjana ona wa bona thoko. O a bona le wena hore lenyalo la Sebolelo le a thekesela, le ka nna la thubeha neng kapa neng.
DIKELEDI: Bo ntse bo eya jwang bophelo ka moo, Sebolelo?
MMATHABANG:E seng hore hakaalo re mo qobelle, ntate, empa re buisane le yena jwalo ka motho e moholo. Ke tshepa hore o tla utlwisisa hore re utlwile bohloko ke sena seo a re entseng sona, mme ha re a lebella hore a re ntshe mejo hanong hodima a se a re phoqile hakana.
DIKELEDI: Ho feela ho le jwalo, batswadi ba ka, Sebolelo o amohetswe sepetlele a le maemong a mabe haholo a bophelo.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ke tseba eng hantle Ha a yo mosadi lefatsheng mona ya ka mamellang mathata ana ao ke a mamelletseng mona. Sebolelo yena o ja poqo ka hlanaka, athe nna ke jella kgwebeleng sa leeba. Feela ho lokile leha ho le jwalo, aubuti Thabang, etsa ka moo o bonang ka teng, empa ka le leng la matsatsi o tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ke a o jwetsa?
SEBOLELO: Ho tjho hore o a e ngangella taba ena hore o batla ke o fe Pontsho?
SEBOLELO: Nna ke bone ena e le yona tsela e nepahetseng ya ho sebetsa ditaba, etswe ho ne ho se na leano le leng ntle le lena. O tseba hantle le wena hore ha esale dintho di ntse di sa tsamaye hantle lapeng lena, mme ho ne ho se na hore re ka iphapanyetsa mathata ano ka ha a ne a hlolwa ke wena ka boomo. Ho fetafeta moo ke ikutlwa ke imolohile moyeng, mme se nthabisang ka ho fetisisa ke hore le hoja batswadi ba ne ba maketse hakaalo, empa jwale ba se ba tseba hore o mahodi a patile maeba.
Ke lapeng ha Thabang.
SEBOLELO: Ho jwalo, mme.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo! E tjena ntho ke qala ho e bona haesale ke tswalwa ke eba mokaana!
MMASEBOLELO: Ke bua nnete, ntate, Sebolelo o ntjwetsitse masaakokometse ka enwa mokgwenyana wa rona hore o se a mo hlanohetse ho mo hlanohela matsatsing ana.
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore o batla ke o hlalosetse ntho e le nngwe hakae hore ha ho na Pontsho eo ke tla o lokollelang yena mona.
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama.) Nka! ke o rute ho phela le batho, letekatse towe!
THABANG: Ke taba tse monate?
MOLEFI: Ho itatola ngwana wa theka la hao ho ke ke ha o tswela tema, ngwana monna. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla phetela Sebolelo tsohle, ke ntano ikopela tshwarelo ka mora tseo tsohle.
PALESA:(O a mo tlatsa.) Ha se moo he o kgonne ho fihlella tharollo qetellong. O ne o ntse o sitwa ke eng jwale?
MMASEBOLELO: Atjhe, ntate, botsofadi bona le bo tlama ka phoso ka nnete! Ka mehla ha le lebala ntho tsa bohlokwa feela le itshirelletsa ka bona le moo ho sa hlokeheng teng. Le teng, ntate, ha ke dumellane le wena hore o se o le kgaba le ileng hakaalo. Matsatsing ana ho thwe leqheku ho tsofala le ratang, mme ke makala haholo ha e le mona o ikeme ka leshome le se na motso tjena.
SEBOLELO:(O teneha le ho feta.) Ke itse o bue o ke o tlohelle ho inanatha tjena o ntshenyetsa nako hle, motho wa Modimo.
MMASEBOLELO: Ha ke re nna ke beha ditaba ho ya ka moo ke bonang ka teng, ntate. Jwale wena bothata ba hao ke hore ha o rate ha ke ntsha maikutlo a ka.
MABOKELLE: Beha pelo sekotlolong hanyane hle, moradi.
DIKELEDI: Butle hle, mosadi, ka puonyana tsena tsa hao tsa bosawana. O ikopisa hlooho ka ntho tse hole le wena, mme hono ho tla qetella ho behile lenyalo la lona ka mosing. Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, empa o se o ntso qala ho bolela ka moo o seng o sa tshepe molekane wa hao ka teng. Ka nnete dira tsa lona di tla hle di didietse ha di ka tsa utlwa hore o ntse o reng ka Thabang. O tseba hantle le wena hore baqabanyi ba mona Rammolotsi ba bangata jwang, feela o batla ho beselletsa hlaha hodima ho ntse ho le jwalo.
MABOKELLE: (Ka ho makala.) O reng na jwale, Mmasebolelo?
DIKELEDI: Ke o utlwisa bohloko ha ke reng na, mosadi Na o tiisitse ha o re ha o sa mo rata Thabang, kapa o etsa tseo tsohle ka lebaka la maikutlo a hao a mohla monene?
THABANG: Ha ke re jwale ke ile ka itlama hore ke tla tlisa thabo pelong ya hao, Palesa, mme ke boikarabelo ba ka ho etsa bonnete ba hore o dula o sa hlora jwalo ka pele.
DIKELEDI: Taba ena e hlile e tshopodi e le ka nnete, mosadi. Jwale wena ha o shebile o re mathata ana a hlolwa ke eng na, mmannyeo?
Lapeng ha Thabang. Ke bosiu, mme Sebolelo o dutse a le mong, a bile a ngongorehile.
MOLEFI: Ako tswe ka taba hle, monna, o ko tlohele ho inanatha tjena ha o lokela ho tswa puo! (Ka ho teneha.) Tjhe, le teng ha e ba o hlile o lomahantse meno e le ka nnete hore ha o no ntjwetsa ditaba, le teng ha ho molato, feela ke re le mohlang mathata a o hlwang setha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna ka ha o se o ikentse yona pudumo ya moemanosi.
THABANG: Ke se ke itshwetse mokgubu ka mathe he.
SEBOLELO: Oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale bo! ha feela nna Sebolelo ke ntse ke phela.
phomola. MODISE: O a tseba, Mmathabang mohatsaka, ke batla ke ngongorehile haholo ka Thabang matsatsing ana leha feela ho le powaneng tjena hore yena le elwa moradia Mabokelle ba natefetswe ke lenyalo la bona. Ka nnete ha ke tsebe hore ke phunye seso sena jwang ha ho se ho le tjena, mofumahadi.
ke ile ka ba ka mo kgolwa, hoba ke a tseba hore ba bokgotsing ba rona ke difelekwane kaofela ha bona.
SEBOLELO: Ntate, ho na le bothatanyana boo ke batlang ho bo rarolla etswe ke bona bo etsang hore aubuti Thabang a kenwe ke bohlanya tjena.
THABANG: (O a kena.) Dumelang ka lapeng! SEBOLELO: (Ka ho nyaroha.) O boetse o ntshetse morao hape?
PALESA: Ha ke o rohake, ke bua nnete hore...
MOLEFI: Monna, hantlentle o ikemiseditse eng bophelong ha o dulellane le ho fihla mosebetsing ka mora nako tjee Ho totobetse jwale hore o se o jele tlwae, hoba ha se kgetlo la pele o e etsa ketso ya mofuta o kang ona. (O sheba tshupanako.) Bona hona jwale ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo tsa tshebetso, empa ke hona o fihlang. Ke a bona o batla ho etsa eka ke kgwebo ya hao o le mong ena ho ya ka moo o seng o batla ho itaela ka teng. Ha eba ha o sa batla ho sebetsa, o bue feela, o tlohelle ho tjha ntshi tjena?
MMASEBOLELO:E-e, mosadi, nkarabe pele o ka ilo beha dithoto tseo tsa hao. O re ho etsahalang ha eka o se o falla ha hao tjee?
PALESA: Shuu! Motho a ba a utlwa hantle le ditsebeng mona. Ha o utlwe ke bolela hore o fihlile hantle ka nako eo ke neng ke o lebelletse ka yona, aubuti Thabang. Ka nnete o mopholosi wa bophelo ba ka bo neng bo solla thoteng tse tjheleng.
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ka bokgutshwanyane feela ke kopa hore o ntshwarele ha e le mona ekare o dula o hlomohile ka lebaka la ka, mme le jwale ke a itshola, moratuwa, ka sena seo ke se entseng. Ke kopa hore o se ke wa nkuka ka moya hle, Sebolelo wa ka, mme ke a tseba hore ho ke ke ha eba bonolo ho wena hore o amohele taba tsena, hoba ke tse sa jeseng ditheohelang e le ka nnete.
MABOKELLE:(O leka ho thodisa Sebolelo.) Se itshele ka dikgapha tjena, Sebolelo ngwanaka, ho tla loka. Feela ha e le moshanyana enwa yena la hae le tla mo tjhabela.
ba mphileng yona ho tloha mohlang ke ne ke ba lemosa neo ena eo Ramasedi a ntlhonolofaditseng ka yona.
THABANG: He banna! ke eng eka o bua o itshepile tjee na, mosadi?
SEBOLELO: Empa lona ka ho le leng le sa ikeme le bolela hore ke boelane le aubuti Thabang. Bona hona jwale o le siya mekgele e wetse ka mahlong.
THABANG: Empa, weso, taba ena e tshopodi ho feta ka moo o ka nahanang ka teng, mme etlare mohlang pelo ya ka e lokolohang ke tla o phetela tsohle ka botlalo ke sa qeaqee le ho qeaqea. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka mpha sebaka hanyenyane feela hore nke ke je masapo a hlooho, etswe le wena o a tseba hore lepotlapotla le ja podi. Ho fetafeta moo ke batla ke le lesisithehonyana ho ka phunya seso sa tswa boladu ha jwale ka ha le lona le le tjena le ka tloha la tshwarisa motho phupe ka lefe. (O kgutsa motsotswana.) Le Sesotho le sona se ka ntjhaella monwana hore dikgomo tsa moketahadi ha di na motlohapele.
SEBOLELO: Ke eng eka o bua o itshepile tjee?
MMASEBOLELO: Ho lokile, ngwanaka, o ka nna wa ilo phomotsa hlooho hanyane, etswe ke a bona hore o shwele ke mokgathala. Feela leha ho le jwalo o ke o jelle taba ena masapo a hlooho pele o iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng, etswe ke tseba hantle hore tholwana tsa ho hlalana ke tse bodila jwang.
SEBOLELO: Atjhe, ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba. Nna ntho eo ke e hopolang ha jwale ke hore e qadile ho ba mahlonoko haholo hona hoseng tjena ha ke etla kwano sekolong.
MABOKELLE: Monna wee, etswa ha ka mona pele ke o roba molala. (O sheba Thabang ka la Kaine.) Ha eka o sa eme tjee, ke itse o hate kosene, moshemane. Kapa o batla ho tswa mona mamina a se a kopane le dikeledi?
DIKELEDI: Ako tlohelle ho lla le ho nna o bua dipuo tse se nang motheo tjena, Sebolelo. Ke itse ho wena o se ka dumella hore maikutlo a bapale ka wena tjena. Ha ke re le wena o a tjho hore o sa ntse o mo rata Thabang, mme ha ke bone ho ena le lebaka le ka etsang hore o nne o itiise pelo tjena. Lebala tse fetileng, ngwaneso.
Lapeng ha Mabokelle. O mmoho le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.
SEBOLELO:E ka nna ya ba ho jwalo, Dikeledi, feela ke batla ke ena le kgwaonyana tabeng ena. Aubuti Thabang o nnetefaleditse hore o tla fihla ka nako kwano, mme a ntshepisa hore o tla fapohela kwano hore re ye toropong mmoho. Feela ke mona ho se ho bile ho fetile dihora tse pedi kaofela a eso bonahale le ho bonahala. Ebe ke tla qetella ke entse jwang na ha ho le tjee, hoba le meriti le yona e se e ntse e hlahlamela dithaba?
MABOKELLE: Ke moferefere wa eng jwale ka moo, Sebolelo?
DIKELEDI: Tlohella ho potoloha taba tjena, mosadi, otla ditaba phatla ntjhotjho.
eo nka ikwahlayelang yona. Aubuti Thabang o hlokile botshepehi ho nna le hoja ke ne ke mo tshepile hakaalo, mme a kgetha ho mathaka le boPalesa. Jwale wena o batla hore ke mo tshwarele ka mora tseo tsohle. Tjhe, oo ona ha se mohlolo o ka etswang ke nna Sebolelo wa Mmasebolelo. Ha ke re ho wena lerato le fedile ke be ke sa swaswe kapa hona ho bapala, empa ke be ke bua ke lomahantse meno.
Lapeng ha Modise.
PALESA: E le hore ke lefe lebaka le etsang hore o batle ho latola molato wa hao, aubuti Thabang?
THABANG: Le jwale o a bona le wena hore ke manyala feela ntho ena eo o e entseng. Hona jwale tjena lenyalo la ka le tlilo reketla ha Sebolelo a ka a utlwela ka taba ena.
DIKELEDI: Ee, ke mo tseba hantle. Hobaneng o mpotsa ka yena?
SEBOLELO: Empa le nna ha ke na boikgethelo bo bong?
THABANG: Empa ha ke re le wena o a tseba hore ho ka se ke ha kgoneha hore ke qhobe bosiu bohle le wena, hoba Sebolelo le Pontsho ba ka ngongoreha hampe ka...
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei hei o se ke wa ba wa leka wa mpitsa moratuwa wa hao. Ha ke re o tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa Lebajwa Haeba o batla ho utlwana le nna o se ke wa ntuba maikutlo e sa le hoseng tjena?
MMASEBOLELO: Mmate hle, ntate, se ka tsheha le ntja ena!
THABANG: Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, moratuwa.
PALESA: O re nna ke sethoto, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Bua, ke mametse he.
SEBOLELO: Ka nnete, ngwaneso, ke lahlehelwa ke tshepo ho aubuti Thabang. Ha se lekgetlo la pele a ntshepisa hore o tla feta le kwano ho tla ntata, empa a be a sa phethise ditshepiso tsa hae. Jwale ke lebaka lefe le ka etsang hore ke mo tshepe hodima a se a kile a nkutlwisa bohloko hakana?
NGAKA: Tjhe, e seng jwalo hle, mme. Ha ke re re le bolelletse hore Sebolelo o maemong a mabe hampe ha jwale, mme re ilo mo etsa oporeishene hore re tle re behe maemo a hae tlasa taolo.
MABOKELLE:O re ke tla tsebella kae athe ke ntse ke dutse le wena ka moo, mosadi (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong ke Sebolelo hoba o itse o a tla hona jwale tjena hore a tsebe ho itokisetsa ho leba mosebetsing?
DIKELEDI: Se ise pelo mafisa tjena, Sebolelo, Thabang o tla tloha a fihla hona jwale tjena. Mokgwa hae ke mo tseba e le motho ya sa keng a hlanohele ditshepiso tsa hae. Ho fetafeta moo ha ke utlwisise hore hobaneng o ngongorehile tjena hoba Thabang ha a eso ka ba a o etsa hampe.
SEBOLELO: Ke hobane kgale aubuti Thabang a ntshotla moyeng, empa ke mamelletse feela, mme jwale ke bona ho le molemo hore ke lebale ho tu! ka yena. Ke mpe ke tswele pele ka bophelo ba ka.
THABANG: Ke itse ha ke a tlela ntwa...
MMASEBOLELO: Re a thaba ha ho le jwalo, ngwanaka, mme ke tshepa hore le monongwaha le tla hle le sebetse ka thata ho etsa bonnete ba hore sekolo sa lona se ntsha diphetho tse ntle jwalo ka tsa ngwahola.
MODISE: Ke a o hlapanyetsa, mofumahadi. Ho se ho bile ho kodumela lemo sa bobedi jwale, empa ho eso be le nko ho tswa lemina, mme se nqakang le ho feta ke hore ke yena ka sebele ya ileng a bolela hore o tla re neha mapenenyana hore re ilo dihela dikgala molatong ono wa hae. Feela ke mona ha esale a re tshwarisa lefika jwalo ka tshwene.
THABANG: Taba ena ha e bonolo jwalo ka ha o nahana, Palesa, mme o tseba hantle le wena...
MODISE: Ee, mme ka tsela e jwalo re tla lokela ho akofa, re phahamele mapoqo pele letsatsi le re dikella nahathote, mofumahadi.
Ho kena Mabokelle le Mmasebolelo.
SEBOLELO: (O mo kena hanong ka bohale.) Ke o inele matsoho metsing, ke o inele matsoho metsing! Ka mehla ha o lokela ho phethahatsa merero ya lelapa lena o dula o bolela hore o lebetse. Ho tloha moo tsela ya hao ke e lebang jwaleng. Ho hang ha ke tsebe hore o tla hle o iphe nako ya lelapa lena neng, mohlang ho itsweng, aubuti Thabang. O se o iphetotse moleleri wa motse ona jwalo ka ha eka o lehlanya. Kgetlo la pele ke ne ke hopola hore o mpa o lebatswa ke kgatello ya maikutlo ka lebaka la mosebetsi, empa jwale ke lemohile hore ha o sa kgathalla letho tabeng tsa lapa lena. Hona ha o bolela hore o a lebala ke eng sena se o lebatsang hakana, aubuti Thabang?
DIKELEDI: Tjhe, le nna ke ne ke sa lwane, mmannyeo, feela ke ne ke mpa ke sisinya hore o ka rarolla bothata bona ba hao jwang ha ho se ho hlekemane tjena.
DIKELEDI: Empa nna ha ke dumellane le wena hore ho hlala Thabang, kapa ho lwantsha Palesa e tla ba tharollo ya mathata ana a le tjametseng. Hona ha o hlala Thabang tjena o re Pontsho a hole jwang ka ntle ho lerato la ntatae?
THABANG: Kgele! ha ke a le bona ke le tjametse nna mora Modise ha e le kajeno lena, feela ha ho nang, le pele di na le baji.
SEBOLELO: Na ke hona ho boulela ka bokamoso ba ka ha o nkgothaletsa hore ke kgutlele ho sera sa ka se seholo Hona na o se o lebetse mantswe a Sesotho a reng leboela le a ja?
THABANG: Ha ke eso ka ba ke sotla Pontsho.
Ke thapama sekolong sa Rehauhetswe moo Sebolelo a rutang teng. Sekolo se tswile, mme bana le matitjhere ba se ba ntse ba qalella ho ya malapeng. Sebolelo o mmoho le Dikeledi.
MABOKELLE: Butle ka tseo hle, mofumahadi. (O sisinya hlooho.) O a tseba taba ena e a nqaka ka nnete. Hohang ho tu! Ke sitwa ho utlwisisa le jwale hore mathata ana a makana a hlolwa ke eng.
MMASEBOLELO: Ntate, na o sa ntse o batla hore ditaba di dulelwe majwana hodima ho se ho hlekemane hakaale Hona na ha o kgone ho lemoha hore batho bana ke difelekwane, ba mpa ba shwelletse mokuleng ka boomo ka tjhelete ya rona ya bohadi, mme ba tla qetella ba kene pooneng ha re sa phahamele mapoqo?
NGAKA:(O mo kena hanong.) Tjhe bo! kgaitsedi, kgoba matshwafo ke tle ke kgone ho le jwetsa ditaba ka botlalo.
THABANG: Ntate, ke ne ke le sefofu ke sa bone moo ke yang teng, mme ketsahalo ena ke yona e mphahlollotseng hore ke ntse ke kgasetsa leifong nako ena kaofela.
Ha ke qale pele ka ho leboha Modimo, senatla sa lehodimo, hore a be a ntse a mpaballetse le ho fihlella tsatsing la kajeno. Ke lebohe hape mme ya ntswalang, Mmateboho, ka ho mpontsha tsela e nepahetseng leha ke ne ke fapoha. Nka lebala jwang kgaitsedi tsa ka, Masesi le Moza, ka tshehetso eo.
MMASEBOLELO:(O a lla.) Jwale ha e le moo o bolela hore le ilo mo etsa oporeishene rona re tla mmona neng na?
SEBOLELO:(A le lesisitheho.) Jwale ha e le taba ya bohlokwa, hobaneng o ne o sa e tshohle maobane, o emela hore e be e be nako ee?
SEBOLELO: Etlaba ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore ho ile ha nna ha senyeha hokae, ngwaneso. Sethatong ke ile ka nahana hore kgatello e phahameng ya maikutlo ke yona e etsang hore a ntshetse malokobe ho rona ha a etswa mosebetsing, empa jwale ke lemohile hore letsina le lona le hlile le mo fapanya hlooho ena.
MODISE: O sa botsa hore ke bua ka eng Ha ke re o utlwile hore nyatsi yane ya hae e batlile e bolaya Sebolelo?
MMASEBOLELO:(O opa diatla) Basadi! Tjhe, mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
MABOKELLE: Ditaba dife na jwale, mosadi?
THABANG: Ke ne ke hopotse hore o tla be o le mosebetsing ka nako ena. Kapa o se o behile meja fatshe, ha o sa batla ho ba mooki?
Ke lapeng ha Mabokelle. Mabokelle o dutse le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.
SEBOLELO: Le jwale ha ho letho leo o lokelang ho le hlalosa, aubuti Thabang. O mphoqile le hoja ke ne ke o tshepile hakaalo, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi o tla be o ntlhanohetse ka tsela e tjena.
THABANG:(O a kena.) Hao Sebolelo! Wa tlohella monyako o sa notlelwa ho fihlela ka nako ee molato keng na, mosadi?
SEBOLELO: Oho, ke a bona jwale. Na ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube moya ke hona ho nthata?
MABOKELLE: Re a o rata, Sebolelo ngwanaka, mme ha ho na ka moo re ka o lakaletsang bobe ka teng.
PALESA: Tjhe, ha se hore ha ke o tshepe, aubuti Thabang, feela ke mpa ke ngongorehiswa ke hore taba ena ya rona e tla qhoba tjena ho fihlela neng, hoba ke a tseba hore banna ba bangata ba nyetseng ke mampetje, ba rata ho kweneha feela. Jwale he le nna ke ne ke batla ho tseba hore ke eme hokae hara lehesheheshe lena hore ka moso ke se iphumane ke llela metsotso.
MABOKELLE: Ho lokile o ka nna wa dula ka kgang, feela ke a tla ho wena hona jwale tjena. (O a tswa, mme kapelepele o kgutla a se a jere molamu.) Ha ke kgolwe hore kgetlong lena o tla bua ditsiebadimo tsena tseo o ntseng o di bua hona jwale tjena.
THABANG: Ha se hore ke hulanya maoto ka boomo, feela...
DIKELEDI: Nna jwale o a mmakatsa, Sebolelo, ha e le mona o ntse o sataladitse molala tjena le hoja mosebeletsi wa setjhaba a se a ile a o hlaba malotsana. Ka nnete ha o ka nna wa tswela pele ka tsela e tjena o tla iphumana o tsohetse leomeng jwalo ka ngwana wa mohanaajwetswa.
SEBOLELO: Nako ya ho inyatsa ha e sa le yo, mme, ke boletse hore ho sa na le moo ke potlaketseng teng hona jwale.
THABANG: Taba ena e bohlokwa haholo hle, mosadi. Iketle hanyane feela ke o kumele yona.
DIKELEDI: Tjhe, ha ho le jwalo ho tla batleha hore o kope ntate Makgwathi hore a o fe matsatsinyana hore o ke o phomotse hlooho lapeng kwana. Ke a tshepa hore ha ho ka ha eba jwalo o ka kgona ho sila masapo a hlooho hantle, mme wa kgona ho etsa qeto e nepahetseng ya mapomelo. Mohlomong le bona bana ba sekolo ba ntse ba o ferekanya maikutlo le ho feta.
THABANG: Mantswe ana ao o ntjwetsang ona ke a bohloko, Sebolelo, mme ha ke tsebe le nna hore nka o kgodisa jwang hore le pelo ya ka e ntse e dutla madi jwalo ka eo ya hao. Ke ka hoo ke reng nka thaba haholo ha o ka wa ntshehetsa hore re hlole sera sena se ntebileng.
SEBOLELO: Le jwale ke itshepile. Noha ha e ntshwe mokoting.
THABANG: Sebolelo, Pontsho ke ngwana wa ka le nna, ke na le ditokelo tsa hore ke mo hodise jwalo ka ntatae. Ha ke kgathalle hore mang yena o reng, mang yena ha a reng.
THABANG: Tjhe, o se ke wa ikopisa hlooho ka sephoqo seo. Na ha o bone hore motho eo hlooho ee ya hae ha e nke hantle?
MOLEFI: Ho tla jwang hore e be re ke ke ra utlwisisa taba tse monate ka ho tshwana na, monna?
MABOKELLE: Ke itse o tlohelle ho hlapaola bomokgotsi hle, mosadi. Ho ena le hore o qose Thabang a le mong, o batla ho sheshenella batswadi ba hae.
MABOKELLE: Ho lokile he, ha re mo adimeng ditsebe hanyane he.
SEBOLELO: Ha ho na matshwafo a letho ao ke tla a kgoba mona, aubuti Thabang. Ke tseba hantle hore o leka ho ntheka ka leleme le mona la hao le borethe ha o etsa tjena, empa he ke a o hlapanyetsa hore o ke ke wa atleha kgetlong lena le kgale. Morao teng ha se moo nna moradia Mabokelle ke yang teng. THABANG: Feela batho ba tla reng, moratuwa?
Ke kantorong ya lebenkele la Thabang le Molefi. Dithena di iketlile, di ja lekomo.
SEBOLELO:(O a lla.) Mme, nna ka nnete ha ke sa tseba hore ke lokela ho etsa jwang jwale ha ho bonahala eka mathata a batla ho ntlhwa setha hodimo tjena. Ke a ipotsa le hore hobaneng ke le madimabe tjena jwalo ka ha eka nkile ka bolaya motho.
MABOKELLE:O potlaketse kae na hoseng ho hokaale, Sebolelo?
MMATHABANG: Ha ke re o ntse o utlwa hore Thabang o kopa thuso ya rona?
THABANG: Ke kopa hore re di etse molatsa tseo, Sebolelo, re tsebe ho phura leshetla ka taba ena...
THABANG: Ke bolela hore ntate o lokela ho ntemosa hore ha mathata a ntlhwele setha ke etse jwang, e seng hore a ntjodietse jwalo ka ha eka ke ngwana tjena.
Teboho Letshaba o hlahile ka la 4 Tshitwe 1982 motsaneng wa Jouberton ho la Klerksdorp. O thakgotse dithuto tsa hae sekolong sa poraemari sa Qwabi motseng wa Ha-Rankopane, QwaQwa. O phethetse lengolo la hae la Materiki ka selemo sa 1999 sekolong se phahameng sa Rehauhetswe ho la Rammolotsi, Viljoenskroon.
THABANG: Ha ho thuse letho hore o nkgobe ka mantswe tjena, Palesa, hodima o tseba hantle se maikutlong a ka. Ebile taba ya ho hlala Sebolelo yona e ke ke ya eba tharollo jwalo ka ha o nahana, feela e tlilo re hlabisa dihlong hohle moo re yang teng. Jwale ho ka ba molemo haholo ha o ka tlohella ho ipolaisa pelo ka ntho tse siyo tjena, hobane moo lerato le leng teng ke se ke ile ka hlalosa hore tshabo ha e yo.
MABOKELLE: Mmao o se a buile mantswe a ka, Sebolelo, mme le nna ke mo tjhaella monwana hore ha ho na ka moo re ka ra o qhallang matsoho ka teng ha o hloka thuso ya rona.
MODISE: Ke eng eka o batla ho buella setlokotsebe see sa moshanyana, mosadi?
MOLEFI: Ako hle o mome ntshwe, o ke o tlohele ho ntlodisa kgati tjena.
SEBOLELO: Ha ho na sera sa letho se keneng pakeng tsa rona. Ha eba se teng sera pakeng tsa rona, e tshwanetse e be e le wena le Palesanyana eo wa hao. Hona jwale ntho eo ke bonang ho le molemo ha re ka ra e etsa ke ho hlalana hore e mong le e mong a tsebe ho inkela tsela ya hae.
PALESA: (O iphumola meokgo.) Ke motho le nna, ke na le maikutlo jwalo ka mang le mang, mme ke lokela ho etsa bonnete ba hore ke fuwa tlhompho yohle e ntokelang. (O tebisa maikutlo.) Feela leha ho le jwalo o tla lokela ho utlwisisa hore ke motho ya thefulehang maikutlo ha bonolo haholo. Ke ka hoo ka nako tse ding ke yeng ke nahane hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho itlosa bodutu ka nna, o ntano kena pooneng ha o se o phethetse merero ya hao.
MOLEFI: E le hore o ngongorehiswa ke eng hakaale na, he monna Thabang, ha o ntse o dulellane le ho inanatha ha o lokela ho phunya seso sa tswa boladu Kapa Palesa o se a o kentse pitseng e le nngwe le mohlankana e mong wa hae Ke ba tseba ba le jwalo basadi, ba ka o ntsha mejo hanong hore ha ho le tjee o sale o ponne sa palesa letsatsing. Nna ke kgale ke eja mabele, mme ntho tse kang tsena ke kgale ke teana le tsona, moshaneso. Ha ke re o ile wa bona eka ke sethoto maobanyana mona ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana ka Palesa. O ne o sa batle ho mmamela, mme o no sataladitse molala jwalo ka ha eka mahodimo le mafatshe ana a buswa ke wena o le mong?
Thabang Jwale ke eng seo le batlang ho se tshohla le nna athe ke se ke entse qeto le maikutlo a ka?
ke le teng lapeng mona.
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore ke qale kae jwang jwale haho le tjena, mme.
MABOKELLE:O a tseba taba ena ya hao le bomokgotsi e bonahala e ntse e nka mothinya osele letsatsi le tjhabang le le dikelang. Ha o batle ho mamela le ha ke re ke a o kgalema, mme hono ho bontsha hantle hore ntho e kgolo eoo ikemiseditseng yona.
MOLEFI: Atjhe, le nna ha ke tsebe hore pharela ena ke tla e rarolla jwang ka ha le wena o ne o sebedisa dikgoka le moo ho neng ho sa hlokehe teng. Le jwale manganga a ja monga ona.
THABANG: Ke batla ngwana wa ka.
THABANG: Jwale tjena ke hona ke utlwisisang hore ntate o bua ka eng, mme le nna ke ntse ke swabile nko ho feta molomo jwalo ka lona, batswadi ba ka. Leihlo le fahlwa le shebile.
THABANG: Feela, ntate, ekare o sekametse ka lehlakoreng la Sebolelo haholo, hoba ha ke re ke ntsha maikutlo a ka ha a batle, o nqosa ka hona le hwane.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong.) Ha eba ke nnete o a nthata, o tshwanetse o be o se o utlwisisa hore ke bua ka eng, aubuti Thabang.
MMASEBOLELO: Tjhe, o bona ditaba ka leihlo lesele, ngwanaka.
THABANG: Ha ke a ikemisetsa ho pheha kgang le wena ha jwale, empa ke se ke itse re tla boka ha di oroha. O a tswa, mme ha a qeta ho kena koloing, Palesa yena o sala a lla ha bohloko.
MABOKELLE: (Ka bohale.) Kgele! ekare o tla ntena jwale, mosadi! Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba ena re tla e tshohla ha moketjana ona wa boSebolelo o qeta ho feta. Jwale wena o sa ntse o ikeme ka lepaketla hore o batla tjhelete. Hona na ke setlamo hore re be re qhalle ngwana lenyalo ka lebaka la tjhelete ya tjhelete feela?
MODISE: Hei wena, moshemane towe, na o ntse o imametse hore o bua jwang le nna?
SEBOLELO:O ntse o bona hore ke etsang. Ke batla ho o ruta batho ha e le kajeno lena, mmadiberwana towe. (O mo phetha ka mpama hape.) Nka! ke o phethe hape, moleko towe, ekare ha o eso utlwe hantle!
THABANG: Weso, matsatsing ana ekare dintho di tla ntsamaela hantle hohle moo ke yang, mme ha ho potang hore ke se ke tla ja poqokahlanaka haufinyana, etswe ke se ke le lehlohonolo le hoja ke se yona tshitshidi. Ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka o besang o tuke ho nna mona ho ya ka moo ke seng ke finne seledu ka teng. Ke ikutlwa hantle le mading mona hore monongwaha teng tangtang e tla kgangwa ke lerole, mme e se nang sekaja mma yona a hle a tele!
MMATHABANG: Ekaba ke eng e kaale e o ngongorehisang ka Thabang na, ntate?
THABANG:E-e Palesa! na ke yona taba e ka o hlomolang hakaale eo Ho hang le nna ha ke sa tseba hore nka hlalosa jwang ha ho se ho le tjena. O tseba hantle hore maikutlo a ka a senyekgenyekge jwang ha ke nahana ka wena, mme le jwale ke bua ke lomahantse meno ha ke re ke a o rata?
DIKELEDI: Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwane, mosadi. Empa ha e le mona teng ha ke rate ho o patela hore o bapala ka mathe, metsi a ntse a le teng. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla ya lapeng ke ilo jella taba ena masapo a hlooho hanyane pele nka ka tatela ho nka qeto. Pelo mokgwa yona e ka o hulela moo e ratang teng, mme wa iphumana o llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ka moso, ha mokuru o se o sibile.
THABANG: Kgoba matshwafo bo! ngwana monna, ke se ke itse thupa ha e shape fatshe. E ne e se maikemisetso a ka ho o kgopisa ka tsela e tjena, mme ke a tshepisa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya boela ya etsahala hape. Ha ke re o a tseba le wena hore mosebetsi wa lebenkele lena ke o opisang hlooho jwang, mme o batla hore monna a ke a o jelle masapo a hlooho hanyane.
MABOKELLE: Ha se hore ke kgahlanong le maikutlo a hao, feela bothata ba hao ke hore o dula o etswa lekoteng ha motho a re o tshohla ditaba le wena. Ha ke tsebe hantlentle hore o tla tlohela mokgwa ona wa hao neng, mohlang ho itsweng, ke mang le hona!
MMASEBOLELO: Ke motho ya makatsang jwang na, Sebolelo?
SEBOLELO: Ha o a hlollwa letho mona! Mokgwa hao o a tella mme o batla thupa feela hore e tle e o phekole ditsebe tsena tse sa utlweng. Ke a ipotsa hore o teng motho ya felletseng hantle kelellong wa boemo bona ba hao ya ka dulelang ho matha le banna ba nyetseng. Na ha o bone hore o itheola seriti ka ho etsa jwalo, Palesa Hona o tla ipopela lelapa neng ha o ntse o dulellane le ho sasanka le banna ba batho tjee?
MABOKELLE:E seng jwalo hle...
MABOKELLE: Banna! mehlolo e tsamaya le badumedi ka nnete.
DIKELEDI:E-e, Sebolelo, o bolela jwang na jwale ha o rialo, mosadi Haesale o ntse o se mahlong ho tloha ha o ne o fihla hoseng hona, mme le nna jwale ke qala ho ngongoreha ke wena. Hohang ha ke o tsebe o le motho ya tjena. Ke bolela le bona basebetsimmoho le rona kwano Rehauhetswe ba ka ntjhaella monwana hore ntho e kgolo e o thefutseng maikutlo ha e le kajeno lena?
MMASEBOLELO: Ke eng ekare o tjha ntshi, ntate Nna hoja ke ne ke ena le matla ke ne ke tla ya moo ha Modise ke fihle ke ba rute molao. Le jwale ho mpa ho hana matla feela, ho seng jwalo ekabe e le kgale hampe ke ne ke ba bontshe tosa le madinyane a yona?
MMASEBOLELO: Tjhe, ka nnete o ntlhotse le hoja re sa lwana ha e le kajeno lena, ngwanaka! Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle tseo o sa tswa nkumela tsona ka enwa monnao. Ke a ipotsa hore ntatao ha a fihla mona yena o tlilo reng ha a utlwa mahlabisadihlong ana kaofela. Empa leha ho le jwalo ke kgale ke ntse ke mmona moshemane enwa hore ha a di hadikela ho di ja mokgwa hae yaba taba ya ka e qhelelwa thoko. (O kgutsa motsotswana.) Hona batswadi ba hae ba a e tseba taba ee na?
THABANG: Palesa, ke o kopile hore o ke o qhelele tseo tsohle thoko, mme o mamele taba ena eo ke tlileng ka yona kwano.
MODISE: Monna, hore ba o lokollela ngwana kapa ha ba o lokollele yena, ha se taba e ntlhokang eno, etswe manganga a ja monga ona. Le yena ngwanana eo o mo sentseng o se o tla hela o itlamela hore o rarolla bothata ba teng jwang. Le jwale nke ke ka phetsa hore o mphoqile ho mphoqa, mora wa ka, le hoja ke ne ke lebelletse tse kgolo ho wena mona.
THABANG: Ke a tseba hore o halefile e le ka nnete, moratuwa, empa leha ho le jwalo ke a o kopa hle, ha re lokise mathata a rona, ho ena le hore re a pepese setjhabeng ka tsela e tjena. Ebile moketjana ona o tla re tswela molemo, mme re tla kgona le ho bopela Pontsho bokamoso bo tjhabileng.
THABANG: Ekare o nkuwa ke pelo, moratuwa...
Ke nako ya kgefutso sekolong sa Rehauhetswe. Sebolelo o bonahala a tshwenyehile haholo, mme le sefahleho sa hae ha se a phutholoha ho hang.
SEBOLELO: Ee, ke yona taba eo ke neng ke e yetse ho yena, mme o ile a ntjwetsa masaakokometse mosadi eo, empa leha ho le jwalo o itse o tla nthusa ha e le hore ke batla ho fetisetsa taba ena pejana.
MODISE: Ha ho thuse letho hore o itshole ho se ho senyehile tjena. Re ile ra leka ho o hlaba malotsana le pele o wela molekong ona, mme o ile wa bona ekare re diphoqo ha re ne re o kgalema. Bona hona jwale hore dintja tseo o di qabantseng di batlile di bolayana ka lebaka la hao, monna.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei wena, mmadiberwane towe, o re monna wa mang ke qati o a lomisanwa?
DIKELEDI:(Ka ho nyaroha.) E-e bo wena!.
SEBOLELO: Leka feela o re o a mo nka o tle o bone tosa le madinyane a yona!
THABANG: Ho ke ke ha eba bonolo ho etsa jwalo, weso, etswe o a tseba le wena hore basadi ke tau di mesana, ba ka o ja o le tala ha o sa ikatela.
THABANG:(O mo kena hanong.) Eo taba yona ke e nepa hantle botsekeng, Palesa, empa ha jwale ho ka ba molemo ha o ka hla wa wela temeng hanghang.
PALESA: Tjhe, ha ho kgang le hona moo, ngwaneso. Re se re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang eo mantswe a hae a ke keng a wela fatshe.
MMATHABANG: (Ka ho makala.) O batla ho ntjwetsa dife na jwale ntate?
PALESA: Le nna ke bona jwalo, aubuti Thabang, hoba ha esale ke hola ke eba mokana ke kgetlo la pele ke fumana mofuthu o tjena wa lerato bophelong ba ka, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi ke tla fumana mopholosi ya kang wena tjena bophelong ba ka. Ke moo he toro tsa ka di phethahetse jwale, ke mo fumane, mme ke enwa haufi le pelo ya ka. O rialo a supa Thabang.
SEBOLELO: Mme, ke kopa hore taba eno re tle re e tshohle ha morao etswe ha jwale ke sa ntse ke batla ho iphomolela hanyane feela pele nka ka bua eng kapa eng le mang kapa mang.
DIKELEDI: Tjhe, ntate, e seng ka Sebolelo hle...
MMASEBOLELO: Tjhe, le teng ke ne ke sa bula mokotla, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka ra hla ra e etsa mohatla kgwiti taba ena, etswe e tla qetella e re dubisitse thankga.
MABOKELLE: E le hore a re lebakabaka ke eng ha e le hantlentle jwale, mosadi?
MMATHABANG: Feela leha ho le jwalo, ntate, ho ne ho ka ba jwang ha re ne re ka ra bitsetsa Thabang kwano lapeng hore re tshohle taba ena pele letsatsi le eya matubatsana Ke a tshepa hore ha re ka ra etsa jwalo re ka kgona ho fihlela tharollo phareleng ena. (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong Thabang o tena a le monyebe tjena ka lebaka la mathata a lelapa a ke keng a qojwa, a tshwanang le mekitlane ya thepa ekasitana le dinthwananthwana tse ding tsa ka lapeng?
THABANG: Palesa hle, motho wa Modimo, ako tlohele ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena. Taba ya moketjana wa rona yona ha ke bone e ka ama dikamano tsa rona tsa lerato. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke hore o behe pelo sekotlolong. Ha e le nna le wena re tla arohanngwa ke lefu feela.
MMASEBOLELO: Ntate, ha ho bolele hore ha o tatetse boqheku, ke batho kaofela ba ka bo thabelang. Nna ha ho na moo nka ikamahanyang le bona teng, hoba ke se ke ile ka lemoha ka moo bo leng sehloho ka teng.
SEBOLELO: Ke ka hoo ke reng ke batla ho bontsha Palesa hore nna ke mang ha eba ke yona ntho eo a tlwaetseng ho e etsa ya ho mathakaka le banna ba batho! Ho nna mona tlapa le tlilo thella ka Raboshabane!
MABOKELLE: Bua, ke mametse, mme.
MMASEBOLELO: Le nna e ntse e le maikutlo a ka ao, ntate, empa ha ho a fella moo feela. Re lokela ho netefatsa hore Palesa o bolla hona ntlwanatshwana moo, etswe o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme ka tsela e jwalo o lokelwa ke kotlo ya sena seo a se entseng.
SEBOLELO: Le nna ha ke sa na boikgethelo ha ho le tjena, ha ho na ka moo re ka qothisanang lehlokwa ka monna ka teng. Ke amohetse jwale hore metsi a matjha a lokela ho ntsha a kgale.
Ho nkgono Mmadineo Letshaba, robala ka kgotso Modibedi, re tla dula re o hopola.
THABANG: Ho lokile he, ntate. Ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale, ntho e nngwe to ka monwana eo nka ka ka e thabelang! E leng ya hore ba ntokollele moradi wa ka, Pontsho.
THABANG: Tjhe, ke bona ho le molemo hore re hle re e etse mohatla kgwiti taba ena pele e nka mothinya (Ho a kokotwa monyako.) Ekaba ke mang eo jwale Kena! (Ho kena Palesa.) Be! ke wena, moratuwa?
SEBOLELO: Ha e le hore Pontsho ke thatohatsi ya hao hobaneng o ne o mo sotla hakana?
MABOKELLE:(Ka bohale) Hei wena moshemane towe, ke masawana a eng ana ao o a tlisitseng kwano?
THABANG:O motho ya makatsang e le ka nnete, Palesa. Ha se wena pejana moo ya neng a bolela ka moo lerato la hao le tlolang ditlhase ka teng ho nna, empa e sa boetse ke wena hape ya tshelang taba ena ka metsi E le hore ha o ntshepe na, mosadi?
MABOKELLE: Ee, o opile kgomo lenaka moo, empa wena o ipolaisa pelo le ka dintho tseo o sa lokelang ho di ngongorehela. Hona jwale o ikeme ka leshome le se nang motso hore ke molato wa rona hore ebe Sebolelo o mona. Ka ho le leng o ngangella ntlheng ya hore dingaka di re etsetsa lonya ha di hlalosa hore di sa ntse di le maphathephathe ka Sebolelo.
SEBOLELO: Le jwale ke bua nnete hore nna maikutlo a ka ha ho na motho ya a a nkellang hloohong. E mong le e mong o bolela hore nna Sebolelo ke etsa diqeto tse fosahetseng.
MODISE: Le jwale o tshwanetse o se ke wa tseba, hoba hoja e ne e se ka Thabang ho ka be ho sa etsahala tsena tsohle. Ke yena ya fihlileng a lahlela lesapo hara dintja hore di tle di qabane.
SEBOLELO: Le nna ke yona ntho e mmakaditseng haholo eo, ntate, hore hobaneng le se le batla ho ntahla ke le mokana.
PALESA: O a tseba mmino wa mofuta ona ka mehla ha ke o bapala ke be ke ikgopolela wena feela le hara batho, aubuti Thabang. Ka nnete ha esale ke tswalwa ke eba mokana ke qala ho kopana le tjharola ya mohlankana e kang wena tjena. Ruri o fetotse bophelo ba ka hoo ke sitwang le ho hlalosa.
MMATHABANG: Le nna pelo ya ka e utlwile bohloko bona bo dutlang madi ke sena se hlahetseng Sebolelo. E ne e le ngwana pelo e jehang e le ka nnete, mme ke yena ya ileng a pata lelapa lena la Modise bohlaswa. Feela ho ena le hore ebe o ile wa mo leboha ke ha o bona ho le molemo hore o hlanohele dikano, o mathakake le banana ba baoki bao ke sa ba tsebeng le ho ba tseba.
MABOKELLE: Ho hang jwale o nkgaka le ho feta, mosadi. O bolela hore Sebolelo o itse mokgwenyana o mo hlanohetse, mme ha o hlalose hore o mo hlanohetse ka tsela nngwe. Ho hoholo ke hona ho dulellana le ho bitsollakaka bakgotsi ba rona ka hore ba bontsha mmala ho Sebolelo. E le hore hantlentle ho etsahalang, Mmasebolelo?
SEBOLELO: Ha ho a senyeha letho, empa pelo ya ka ha e a kgotsosofala, ngwaneso.
THABANG: Banna wee! Ekaba ke tla qetella ke entse jwang jwale ha ho le tjee! Atjhe, e-e, le wena o rata ditaba, monna! Ka nnete ke qala ho bona monna ya leleme le mokgababa jwalo ka wena tjena. Feela ha ho nang, e re ke mpe ke o tsholele tsona pele o ntja tala, etswe ke a bona hore o lenyoreng la tsona e le ka nnete.
THABANG: Ya mofuta o kang ono potso nke ke ka e araba le kgale, etswe le wena o le tjena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
MMATHABANG:O se o tla nkinela matsoho metsing, ntate, haeba ke molato wa ka hore ebe re ile ra ilo kopela Thabang tshwarelo. Empa nna seo ke neng ke batla ho se bona se etsahala ke kgotso malapeng ana a mabedi, ke ne ke hopola hore ho etsa jwalo e tla be e le ho rarolla mathata.
THABANG: Nkutlwele bohloko hle Sebolelo.
THABANG:(O phahamisa maikutlo.) O ne o ile ngakeng Na o a kula, mosadi?
MABOKELLE: Beha pelo sekotlolong, mofumahadi, ho tla loka. Mohlomong batho bana ke hona ba ntseng ba itokisetsa ho lefa mokitlane ona wa bona.
wetse lerabeng lena leo ke leng ho lona kajeno. Mohlomong ha o ka wa mpha sebaka sa ho hlalosa o tla utlwisisa bodiba ba mahlomola boo ke leng ho bona ha jwale.
SEBOLELO: Se hlole le ituba maikutlo hape, batswadi ba ka. (O ba sheba nako e telele, mme eka o hopola ho hong.) Ho sa na le moo ke batlang hore kgalo le teng pele ke menahana le mehlala.
PALESA: Ho lokile ha re di etse mohatla kgwiti tseo, etswe di tla re tsosetsa diletseng. (O kgutsa motsotswana.) Pejana ke itse ho wena ke na le tharollo bothateng bona, leha feela ho ke ke ha eba bonolo jwalo ka ha motho a nahana. Ere ka ha le nna ke se ke lemohile hore tharollo bothateng bona e tla hle e kgwehlise mangole e le ka nnete, ho ka ba molemo haholo ha o ka wa ja masapo a hlooho hore ka moso o tle o se ke wa re ke nna ya o kentseng lerapo molaleng.
MMASEBOLELO: Nna ke tshepa hore le mohlahlami wa hae o tla latela mehlala e metle eo a e sietseng Rehauhetswe dilemong tsa hae tsa tshebetso. SEBOLELO: Feela leha ho le jwalo, mme, o hopole hore batho ha re lekane re se meno. Ke ka hoo ke reng mohlahlami wa ntate Makgwathi o tla lokela ho tiisa meqheleba ha e le hore o batla ho beha Rehauhetswe mmapeng, etswe setulo sa bosuwehlooho ke se tjhesang ka ho fetisisa sekolong, mme se batla dikakapa e le nnete.
THABANG: Ke a amohela, ntate, hore ke nna ya lokelang ho jariswa molato ona, mme ke kopa hore le nkgolwe ha ke re ke swabile nko ho feta molomo ke sena se hlahetseng Sebolelo.
SEBOLELO: Ee, le jwale o tshwanetse ho e lebala ka pele, hoba wena o moetsi, athe nna le Pontsho re baetsuwa. Ha ke kgolwe o teng motho lefatsheng mona ya ka mamellang masisapelo a kang ao, a ho tshoswa ka lefu. Haholo jwang ke molekane wa hae, eo ba ileng ba wa, ba tsoha mmoho.
SEBOLELO: Ha se yona taba eo, empa yena yona ke sekgobo seo nke keng ka se lebala ho fihlella ke ba ke kena lebitleng, mme ketsahalo ena e entse hore ke hloye phoofolo ena eo ho thweng ke monna.
Thabang o fihla ha Palesa e sa le ka matjeke.
MMATHABANG: Ha ke re, ntate Thabang o a kena.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Le nna mosebetsi wa ka o ntse o ferekanya hlooho jwalo ka oo wa hao, empa ha o eso utlwe le ka mohla o le mong ke tletleba ka hore ke lebetse, kapa hona ho hulanya maoto ha ho tluwa mererong ya lapa lena. Ha e le wena o dula o le monyebe ka mehla. Ke re le metsamaonyana ena ya hao ya bosiu e batla e mpelaetsa ka nnete. Ebile ke lemohile hore o se o mphella pelo feela matsatsing ana. Ha e ba lerato le fedile o bue feela, o ke o tlohelle ho mpolaisa pelo tjena. THABANG: Se bue jwalo hle, Sebolelo.
MABOKELLE: Tjhe, moo teng nke ke ka o araba, mofumahadi, hoba ano ke maikutlo a hao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshehetsa moradi wa rona, mme re ye moketjaneng ono ka maikutlo a fatshe. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla re kopanye matsoho hore re kgone ho yela Sebolelo mpho eo a tla re hopolang ka yona ho isa lefung.
SEBOLELO: Tjhe, ha ho no ba bonolo ho nna hore ke amohele manyala a entsweng ka boomo tjena. Ke batla hore le bona ba utlwe bohloko bona boo ke bo utlwileng hore bo jwang. Ha e le aubuti Thabang yena ha ke kgolwe hore ke sa tla mo tshwarela hape, ho latela sekgobo sena seo a re jarisitseng sona.
THABANG: Monna, hore ke botswa kapa tjhe leo ha se lona lebaka, ebile ha se wena hape ya tla ntjwetsa ka moo ke lokelang ho sebetsa ka teng. E le hore wena o kwahelo sa pitsa efe o tla mpolellang hore ke etseng ke se etse jwang. (O mo supa ka monwana.) Ebile ke o jwetsa la ho qetela hore o tlohelle ho kenya basadi ba ka tabeng tsa mosebetsi. Ho seng jwalo ke tla o bontsha tosa le madinyane a yona.
MOLEFI:(O sisinya hlooho.) Hore ke a mo tseba kapa ha ke mo tsebe, leo ha se lona lebaka, feela nnete ke hore o fositse mokubetso kgetlong lena, Thabang.
THABANG: Pontsho ke ngwana wa ka, ke tla mo nka le rata kapa le sa rate. Ha ke no utlwa ka lona mona!
MMASEBOLELO: Le jwale ha ho sa le monate lapeng la bona, mme ke a ipotsa hore ke moleko wa eng o tsukutlang maikutlo a eo mokgwenyana hore a be a qetelle a iphetotse tau lapeng la hae. Empa le teng ha ke mo tshwaye phoso hakaalo, hoba ngwana wa lekgala o tsamaya ka lekeke.
MODISE: Ha ke o tshose, mosadi, ke o jwetsa tsona di le tala di le jwalo.
PALESA:(Ka bohale.) Hei wena, mmamenotwana towe, o se ke wa ba wa leka wa ntena e sa le hoseng tjena! Ke a tloha ke be ke o tlola hodimo hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi. Mona ke ha ka, seeta ho lla sa ka.
Ke hona mona Rammolotsi moo Letshaba a holetseng teng, mme a ba a ithuta ho ngola mefuta e fapafapaneng ya dibuka. Ka selemo sa 2000 o ile a ya ithutela kgaso ya thelevishene (Television Presenting) mane Gauteng.
MMASEBOLELO:(A ntse a lla.) Ho sa tla loka eng, ntate, re lahlehetswe ke bophelo ba moradinyana wa rona a le mong to! ka monwana?
PALESA:O reng O re le ngwana enwa ha o sa mmatla, aubuti Thabang?
MMASEBOLELO: Ee, ke nnete ke boletse hore Thabang o tshwanetse ho rutwa molao, mme le jwale ke sa rjalo, feela batswadi ba hae ba tshepisitse hore ba tla buisana le yena ka boitshwaro bona ba hae. Ke ka hoo o mponang ke photholohile tjena. Ke tla dula ke o tshehetsa, ngwanaka, bohlokong le thabong.
DIKELEDI: Mokete ona o ka nna wa atleha, empa hono ha ho bolele hore taba ena o be o se o e lala ka mmele, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ipeha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ntho e ntenang ka Thabang ke hore ke mohwebi, mme o a hlompheha; ho hang ha a lokela ho tshosa motho ka hore o tlilo mo fenetha. Motho ya buang jwalo a ka hlahlelwa dilemo tse ngata hampe tjhankaneng kwana, le bohlale bo be bo mo timelle.
THABANG: Feela mona teng ke tla be ke iphasa ka lerapo molaleng ka nnete.
SEBOLELO: Ke tloha ke o kwala mahlo ana hona jwale tjena!
THABANG: Ke a tseba, Palesa, hore o kgentshitswe ke ka moo ke ileng ka o tshwara ka teng, empa ha jwale nka thaba haholo ha re ka ra e etsa molatsa hanyane feela hore re tshohle taba ena eo ke tlileng ka yona ho wena ha jwale.
MODISE: Mosadi, na o ntse o sa utlwe hore Thabang o rata ho iketsa sengangele jwang Hona jwale ke mona o se a bolela ka moo a batlang ho lokollelwa ngwana wa hae ka teng, wena jwale o batla ho jarisa nna melato ya hae jwalo ka ha eka ke nna ya mo rommeng hore a mathakake le banana ba motse oo kaofela?
MOLEFI: Ako tlohele ho ntlodisa kgati tjena hle, monna. O tseba hantle hore nna le wena re diyathoteng-dibapile, mme ka mehla re ntshana se inong. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore o ka mpatela ditaba tlasa mabaka a sa utlwahaleng tjena.
MMASEBOLELO: (Matshwafo a uba le ho feta jwale.) Jwale ho thwe molato ke eng na, Dikeledi?
SEBOLELO:(O sheba nako.) Ke o neha motsotso wa ho qetela hore o be o buile taba eo ya hao, ho seng jwalo o tla tswa ka ntshwe di sa fohlwa lapeng mona.
SEBOLELO: Ha eka o sa e hatella taba ee hore monna wa ka ke qati o a lomisanwa?
SEBOLELO: Le jwale o tshwanetse hore o lebale, etswe moetsi o a lebala, moetsuwa yena ha a lebale. Ho nna tsena tsohle e tla dula e le sekgopi hobane o ne o di etsa ka letswalo le kgutsitseng, o sa natse hore o re utlwisa bohloko ho le hokae. Le jwale ke utlwa ke hatsela pelo ha ke hopola masisapelo ao o mpaketseng ona, empa ka mora tseo tsohle o batla hore re tswele pele ka moketjana wa lemo tse pedi re nyalane.
THABANG:O a tseba keng, Palesa...
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) O a tseba bokaakonyana bona ba hao ke bona bo nkentseng hara tebetebe ena eo ke leng hara yona. Wena pelo ena ya hao e tshweu ke sena seo o se entseng mme ha o kgone le ho bona mahlomola ao ke leng ho ona. (O mo tiisetsa sefahleho.) Hantlentle o ne o nahanneng ha o tla etsa see seo o se entseng?
DIKELEDI: Ke a utlwa, mosadi, empa ha ke kgolwe hore tseo ke tsona tse ka o sulafalletsang bophelo, hoba ka mehla bo dula bo tletse diphepetso, mme bo batla hore motho a tiye tumelong.
MMASEBOLELO: Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwana, ngwanaka (Ho a kokotwa monyako.) Basadi! ekaba ke mang jwale ya re kokotelang hoseng ho hokaale (O arabela monyako.) Kena?
THABANG:O tla dieha ho hlalefa, monna Molefi, ha eba o tla nne o ye ka mora puo tseo tsa kgale tse se nang motheo. Matsatsing ana re phela nakong tse mahlonoko e le ka nnete, moo phokojwe ho phelang e diretsana! Ha motho a entse hantle a ke ke a ba a thoholetswa, kapa hona ho nehwa tlotla e mo tshwanetseng. Jwale he, moshaneso, nna ke ithwesa kgaebane pele ke iphumana ke le yona kwekwe ya morao e tlohang le sepolo. Ho hang ho tu! ha ke batle ho bona merero ya ka e nyopiswa ke mabaka a fokolang.
PALESA: Ho bolela hore e se e le ha o itshola?
DIKELEDI: Kgoba matshwafo...
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Tlhaloso ha e sa hlokeha, mme. Ke elelletswe hore mokgwa hao o fetoha jwalo ka maemo a lehodimo. Maobanyana mona e ne e le wena ya neng a lomahantse meno, o bolela ka moo aubuti Thabang a tellang ka teng, mme o bolela le hore o lokelwa ho rutwa molao ka thata. Empa jwale ha batswadi ba hae ba se ba fihla kwano ho tlilo mo kopela tshwarelo o se o boela o fetola mmala jwalo ka lempetje. Ke a bona o a lebala hore bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
phokang bohale ba bona ntle le ho re Modise a itekodisise hantle.
THABANG: Sebolelo, ke a tseba hore o sa ntse o ferekane ha jwale, empa ha ke a tlela tseno kwano ha o mpona ke le tjena.
SEBOLELO:(O beha dithoto fatshe.) Shuu! Ha ke a kgathala le kgale! E re ke ilo beha dithoto tsena ka kamoreng ke ntano robatsa ngwana enwa, etswe le boroko bo se bo iphile matla ho yena mona.
DIKELEDI: Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, ntate ngaka, feela ke kopa hore o re jwetse hore Sebolelo o tswile kotsi ho le hokae hoo le seng le bile le bolela hore le ilo mo etsa opereishene. NGAKA: Ka bokgutshwanyane, kgaitsedi, Sebolelo o kgaotswe e meng ya methapo ya madi, mme thipa eno e hlabile le moo e neng e sa tshwanela ho fihla teng. Empa leha ho le jwalo re se re hlophisitse tlaleho ya bongaka e tlileng ho tla sebediswa lekgotleng la dinyewe kgahlanong le sehlola seo sa mosadi. (A kgotsa.) Tjhe, ya sehloho he eo motho!
THABANG: Ao banna! Ha ke re ke ile ka hula mantswe ano a ka, hoba ke ile ka lemoha hore a ile a o kgopisa, mme o ile wa amohela boinyatso boo ba ka, mosadi.
THABANG: Ke a leboha, ntate. (Eka o batla ho lla.) Batswadi ba ka, leha e le mona ke dumela hore ke entse phoso, empa Sebolelo o ne a sa tshwanela ho nketsa tjena le yena. O ne a tshwanetse ho ema le nna hore re hlole sera sena ho ena le hore a nkutlwise bohloko hodima moya wa ka o ntse o robehile dikoto tjena. (O a lla.
SEBOLELO: Ho lokile, ke tla hle ke leke ho etsa jwalo, motswalle.
SEBOLELO:O tletse eng he Bua ka pele etswe ke maoto ke oka ditlhabela ha o mpona ke le tjena?
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Ha ho na lerato le neng le tlokoma mona. Hona lerato la hao le tlokomela ho boPalesa jwang, empa Sebolelo a ntse a le teng Le jwale ha ke re fara! ho tla dubeha ha Sebolelo a ka a e tseba taba ena?
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Monna, lesisitheho le ja kgomo. Wena phunya seso, se tswe boladu, o ke o tlohele ho tjha ntshi tjena.
MMASEBOLELO: E mabapi le Sebolelo, ntate.
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Tjhe, ha ke bone e tla be e le tharollo ya mathata eno, mosadi. Ha ke re Thabang ke yena ka sebele ya ileng a itlama mohla monene hore o tla itefella ditshenyehelo tsohle tsa hae, jwale hobaneng re lokela ho ikenya lerapo molaleng tjee Ho fetafeta moo yena le elwa motswalle wa hae ba na le lebenkele le leholo ka ho fetisisa motseng mona, mme ha ho potang hore ba olla tjhelete ka dikotlolo ha le ina nko mobung?
SEBOLELO: Ha ke re le teng le ka be le ntse le nkemetse hore ke kgutle sekolong ho ena le hore le nketsetse diqeto jwalo ka ha eka ke ngwana tjee.
MABOKELLE: Sa hao sefe?
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke batla hore re etsetse enwa moradi wa rona mpho e kgolo eo a ke keng a ba a e lebala bophelong ba hae. O tla hopola le wena hore ha e sa le a nyalwa mane ha Modise ha re eso ka ba re mo etsetsa letho leo a ka re hopolang ka lona, mme ke utlwa bohloko haholo ha ke hopola taba eno.
DIKELEDI: Nna nka thabela ho bona le phedisana ka kgotso le eo molekane wa hao, le se na diqabang tsena tseo ke utlwang o di bolela, haholo ha moradinyana wa lona a sa le monyenyane tjena.
THABANG: Ekaba ke efe na ntho eo, moratuwa Bua feela, nna ke tla lokisa?
DIKELEDI:(Ka pelaelo.) Jwale o re ntaramane ee ya hao e qadile ho o tshwenya neng na, mosadi Hona ke eng nako ee kaofela o ntse o sa ye ngakeng, o e tlohella hore e be e o jesetse kgwebeleng tjee?
MMATHABANG: Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo, ntate.
MODISE: Ha ho na leihlo le fahlwang le shebile mona. Le etsa diphoso ka boomo ha le qeta le be le batla ho itshereletsa ka morero le sepheo sa hore re tla utlwisisa mabaka a lona. Hohang ha ho na letho leo nka ka le kgolwang ho tswa molomong wa hao, hoba ke a o tseba hore o lemao le ntlhapedi o le tjena.
THABANG: (Ha Palesa a qeta ho tswa.) Ha ke na taba le wena, o ka nna wa ilo wela matjoing kwana! (O kgutsa motsotswana, mme o shebahala a tlalletswe ke naha.) Banna! ebe ke tla etsa jwang ha kgomo e se e kentse leoto ka kgamelong tjee, etswe taba ena e ntse e tlilo fihla e le tala tsebeng tsa Sebolelo (O sisinya hlooho.) Feela e re ke lebe ka kantorong ya Molefi ka mane, mohlomong o tla nthusa ho phema moleko ona, etswe Sesotho se a bolela hore ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. (O a tswa, o leba kantorong eo Molefi a dutseng ho yona?
MMASEBOLELO: Ho hlompheha le ho se hlomphehe ha ho re letho ha feela motho a fapane hlooho.
MMATHABANG: Butle hle, ntate, ka ho bua mantswe a jwalo hodima ngwana a ferekane tjena. Na ha o bone ho ka ba molemo ha re ka ya hona bokgotsing ra ilo tshohla taba ena ka boholwanyane, mohlomong Sebolelo a ka fetola maikutlo, etswe ha jwale ke dumela hore o ne a mpa a buiswa ke pelo e bohloko feela?
MMASEBOLELO: Nna ke tla siya Pontsho le mme Mmasephadi hore a sale le yena ha re eya mane sepetlele.
SEBOLELO:(O sheba tshupanako ya hae.) Basadi! ha ba ha otla nako ee empa aubuti Thabang a eso bonahale le ho bonahala tjee, ekaba molato ke eng na jwale hobane o tlameha ho tla ntata hore re lebe toropong mmoho ho ya reka dinthwananthwana tsa ka tlung ekasitana le diphahlo tseo re tla di aparang moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane Bona hona jwale e se ebile e le nako efe empa ha a eso bonahale le ho bonahala?
MABOKELLE: Nna ke re le yena Thabang o ntse a ena le seabo se seholo ketsahalong ena. O lokelwa ho rutwa molao ka thata pele a etswa taolong ho feta mona. O hlokile botshepehi ho Sebolelo, mme ditlamorao tsa seo ke tse bodila feela.
MABOKELLE: Ha ke re mmao o se a boletse hore o ne o le siyo?
MMATHABANG: Le nna, Thabang ngwana ka, ho hang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o entse ketso e tjena, empa o ena le mosadi le ngwana. Hona jwale ba bokgotsing ba tlilo nahana hore re batho ba jwang ba dumellang hore manyala a tjee a etsahale ka pela mahlo a rona?
SEBOLELO:(O tshehisa ho phoqa.) Hahaha! Athe le di etsa tjena le di tshaba Nna nako ena kaofela ke ntse ke ile le kgongwana hodimo hore le di etsa tjena le ena le boikemelo ba tsona?
MABOKELLE: Tjhe, ha ho molato le teng moo, moradi, etswe yena tema ya hae o e kgathile mme peo eo a e jetseng ha e a wela tlasa majwe.
THABANG: Phoso e tsamaya le mohatisi...
DIKELEDI:E-e bo! mosadi, ke mehlolo ntho tsena tseo ke di utlwang kaofela. O bolela jwang ha o re Thabang o o tshositse ka hore o tlilo le fenetha?
THABANG: Etsa jwalo he, ke se ke le ditsebe ha o mpona ke le tjena, hakwe la pelo ya ka.
THABANG: Ka bokgutshwanyane e mabapi le ngwana.
MMASEBOLELO: Le jwale ke tshwanetse hore ke se ke ka kgoba matshwafo, hoba tsena tsohle di etsahetse ka lebaka la rona. Sebolelo o ile a re bolella hantle hore o batla ho hlala Thabang, mme rona ke ha re sa mo tshehetse morerong wa hae. Jwale ke mona o hlahetswe ke kotsi ka lebaka la yena Thabang.
THABANG: Ee, ke nnete ke ile ka o tshepisa ntho dihanahofela, empa ha ke hopole le ka mohla nkile ka re ho wena ke batla ngwana. Seo ke hopolang ke ile ka o jwetsa sona ho tloha sethatong ke hore ditaba tsa rona re tla di sebetsa ka lenyele. Jwale ke mona o se o ntlela ka kedibitlahadi ya taba mona hore o ithwetse.
MMASEBOLELO: Nna ke ne hopola hore re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono hore ba hle ba bone le bona hore re se re kgenne e le ka nnete . ..
SEBOLELO: Ka nnete bophelo bo thata, mme.
Ke ha Palesa.
MMASEBOLELO: Ke maswabi haholo ka se etsahetseng, ngwanaka.
MABOKELLE:E-e bo! ngwana towe, o batla ho reng na jwale?
MODISE:O buile leha o ka thola moo, mofumahadi. Le nna ke le tjena ke ne ke hopotse hore ka nako ena ekabe e le kgale re ne re dihele molato ona, empa ka bomadimabe ke mona mora wa rona o re phoqile.
MODISE: Monna, ho inyatsa le ho se inyatse ha hao ho tshwana feela. O re tlotlolotse re ne re o tshepile, mme lerumo lena leo o hlabileng dipelo tsa rona ka lona le re baketse maqeba a ke keng a ba a fola le kgale.
THABANG: Ekare taba ena e tla leba hole jwale, mosadi. Ho ka ba molemo haholo ha re ka hla ra e kgina hona mona pele e nka mothinya osele.
MMASEBOLELO: Ke nnete, ntate, ha ho na mosi o ka kubellang ho se na mollo. Ke a dumela le nna hore sesosa sa qabang ena se teng le hoja ke sa ka ka botsa Sebolelo, etswe ke ile ka lemoha hore o ne a se a ferekane maikutlo le ho feta.
MABOKELLE: Se tatele moro nama e eso butswe le wena, mofumahadi. (Ho Dikeledi.) Tswela pele he, moradi!
Phaposing ya baeti moo boMmasebolelo ba letileng teng.
THABANG: Empa, ntate...
PALESA: Ho lokile, etsa ka moo o ratang ka teng hoba o senatla ha ke re?
THABANG: Feela ke leka ka thata ho phahamisa maemo a kgwebo ena.
MABOKELLE: Ena taba e tshopodi e le ka nnete.
MODISE: Ke mo tshwara ka pelo jwang na, mosadi, ha eka o tla ntlela ka meleko tjee le wena?
DIKELEDI: Na o tiisitse, mosadi?
MOLEFI: Bua sello sa hao, empa le teng ho tla be ho ntse ho tshwana feela, hoba nke ke ka o thusa le kgale.
MOLEFI: Tjhe, le teng ke maikutlo a hao ao, moshaneso, etswe mowakgotla ha a tsekiswe. (O a ema.) E re ke lebe ka mane ka lebenkeleng ke bone hore ke beta poho jwang ka ha mabota le ona a ikitlaheditse ha e le kajeno lena. (O a tswa.
THABANG: Le nna ha e le ho bua nnete, Palesa, ke qala ho kopana le shweshwe e kang wena tjena, mme ke ka hoo ke sa kang ka tsilatsila ho o jwetsa ka moo ke o ratang ka teng ha re ne re qala ho kopana.
SEBOLELO: Ke maikemisetso a rona ao, mme, le yena ntate Makgwathi o dula a re tjodietsa ka yona taba eno.
THABANG: Ho feela ho le jwalo, e mabapi le ngwana.
MMATHABANG: Re ke ke ra sebetsa ditaba jwalo, ntate, haeba re tla sheba lehlakore le le leng feela la tsona. Ee, ke nnete tlhaloso ya hae ha e hlokehe ha ho se ho le tjena, feela leha ho le jwalo re lokela ho mo thusa hore a tswe bothateng bona pele lenyalo la hae le senyeha.
MMASEBOLELO: Bua feela hle, mosadi.
PALESA: Nna ke bona ho le molemo ha o ka wa e noha, etswe e re ama ka bobedi ka ho otloloha.
MMASEBOLELO: Hao, Sebolelo! wa fihla ka nako ee shwalane e se e tshwere, o bile o kgelelletse ha boima ke dithoto ekaba molato ke eng na, mosadi?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mantswe a mang, mme, le a nteleka lapeng mona.
THABANG: Se ke wa mphella pelo hle moratu...
MOLEFI: He monna, ke moferefere wa eng ka moo ha e le moo Palesa a etswa ho se ho se monate, a bile a sekisitse meokgo Na le ne le lwana THABANG: Molefi moshaneso, ho hobe, ntja e ingwaile ka leoto la morao. Ebile ha ho potang hore ha ke sa itlhokomele ke tla iphumana ke le ka moo thakadi di fatelang ka teng. MOLEFI: Ho se ho senyehile kae na, monna Ha ke re ke kgale ke o kgalema hore o ke o tswe ka mora Palesa, o nyetse. Jwale ke mona o se o tla ho nna hape o tlilo kopa thuso. Ke kgale ke bona le ka mosebetsi wa hao o sa tswang matsoho hore qetellong ya ditaba ho tlilo ba mafekefeke. (O kgutsa motsotswana.) E le hore o entseng Palesa se sekaale ha e le moo a etswa a kgitla sona sa mmokotsane tjee Kapa le wena o se o ikentse kgodumodumo tsee moo tse harolang basadi jwalo ka dinyamatsane THABANG: Tjhe, ha ho jwalo bo! weso. Palesa ha ke a mo etsa letho le lebe MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ha o a mo etsa letho Jwale ho tla jwang hore a tswe mekgele e se e wetse ka mahlong tjee Kapa dipuo tsa hao feela ke tsona tse entseng hore a betwe ke pelo?
MOLEFI: Ke o rohaka ha ke itseng na?
MMATHABANG: Eng O ilo o hlala?
PALESA:(O mo kena hanong.) Le jwale ke tiisitse, aubuti Thabang. Ke boetse morao, mme hono ho netefaditswe ke ngaka hape.
THABANG: Ke tla ya ho yena, ntate.
SEBOLELO: Le bona ba ntse ba sa batle ho ntshehetsa morerong ona, ba ntse ba nneha dikeletso tse tshwanang le tsena tsa lona. Ke ka hoo ke reng ha ho na motho ya batlang ho nkutlwela bohloko lefatsheng mona. Kaofela ha bona ba tshehetsa aubuti Thabang jwalo ka ha eka ke nna ya entseng phoso.
MABOKELLE: Ako butle hanyane ka tseo hle, mosadi.
SEBOLELO: (O phefumolohela hodimo.) Aubuti Thabang o robile Palesa lengole, mme.
MMASEBOLELO:O se o tla nkinela matsoho metsing, ngwanaka, ke mpa ke utlwa ke kgwabitlwa ke letswalo.
THABANG: Ke o bolelletse ka makgetlokgetlo jwale hore o ke o tlohelle ho tshoha difotle tjena, hoba o tla qetella o nyopisitse merero ya rona ka ho etsa jwalo.
MABOKELLE: (O a tsheha.) Tjhe, ka nnete ho hola ke ho bona meeka le mehlolo. Ke hore le maqheku a tsofetseng jwalo ka lona tjena a sa ntse a rata ho ikamahanya le ntho tsa batjha. Hela! se a tjho Sesotho le sona hore belo le a fela, thota e sale.
MOLEFI: Feela leha ho le jwalo, weso, motho ke motho ka batho ba bang, mme ha ho na ka moo o ka iphapanyetsang bona ka teng leha o ka ba wa rata. Ho fetafeta moo ha se batho kaofela ba pelo di mpe, ho ntse ho le teng ba pelo di jehang, ba kgonang ho hlaba mahofi ha motho a entse hantle. Jwale he ke batla ke ema hlooho ha o bolela hore o tla ithwesa kgaebane ka bowena. Ke a bona o a lebala hore monna o tentshwa tsheha ke banna ba bang.
THABANG: Feela seo nka o jwetsang sona ke hore o ntshwarele hle, hakwe la pelo ya ka ha e le mona ke o robile pelo tjena. Seo nka o jwetsang sona ke hore ke hlokile botshepehi ho wena, mme ke kopa hore o nkinele matsoho metsing ka sena seo ke se entseng.
MODISE: Le jwale ke tshwanetse hore ke o qose, monna. Kapa o ne o lebelletse hore ke thabele manyofonyo ao o a entseng?
SEBOLELO: Ke a di utlwa tseo tsohle, mme, empa ha e le sekgobo sena sona hohang se ke ke sa tloha le kgale pelong ya ka.
THABANG: Mme, ha ke a tlela ho tella kwano, ke mpa feela ke ipatlela ngwana wa ka feela.
THABANG: Ha ke na taba le hore ho etsahalang ka noha le mekoti ya yona, feela ke batla ngwana wa ka hore re tsebe ho arohana ka kgotso.
SEBOLELO: Ka mehla nnete e le babela jwalo ka leshokgwa. Ha motho a re o a bua feela, le tla be le bolela hore a etse ditaba mohatla kgwiti ka ha le tshaba hore ho tla tloha ho buuwa masaakokometse.
o itokisetsa ho leba mosebetsing. Moo a reng o a tswa, Thabang o a kena. THABANG: Sebolelo moratuwa, pele o tsamaya ho sa na le tabanyana e nngwe eo ke batlang hore re ke re e tshohle hona jwale.
THABANG: Na ka nnete ke lokela ho o kgumamela hore o tle o utlwisise le hona ho lemoha hore ke kgutlile mekgweng, mosadi?
SEBOLELO: Ke itse ho thata hampe hore nka lebala taba e kang ena. Moetsi ke yena ya lebalang, moetsuwa ha a lebale.
SEBOLELO: Tjhe, ha ho jwalo, Dikeledi. Aubuti Thabang ke yena ya fihlileng a ntjwetsa sefahlamahlo hore o robile Palesa lengole. E ne e tla ba taba e nngwe ha e le hore ke ne ke di utlwa ka mohalatjhetjhe.
SEBOLELO:(Eka o batla ho lla.) Nna ka nnete ha ke tsebe hore hobaneng ka mehla ke dula ke sulafalletswe ke bophelo tjena, mme ntho e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore menyepetsi ena e tletseng pelong ya ka ke e bakilweng ke yena aubuti Thabang ka sebele! (O a lla.
SEBOLELO: Ha ke eso ka ba ke re o nkgumamele, aubuti Thabang, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore re lebale ka moketjana ona. Mohlomong ha ebe ho kgoneha re tla tswela pele ka morero ona isao, le teng ha o ka tlohella ho mathakaka le masiu jwalo ka ha eka ha o na lelapa. Ebile se mpelaetsang ka metsamao ena ya hao ke hore ho se ho fetile beke tse pedi ho isa ho tse tharo jwale o sa je dijo tsa lapeng mona, mme ha ke re ke a botsa hore molato ke eng, ha o nkarabe, feela o apara tlalo la nkwe.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Mme, ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka ka tjhetjhellang morao ka teng ha ho le tjena.
MMASEBOLELO: Nka o hlanohela jwang, Sebolelo ngwanaka, e le kgale hakana ke o jarela mankokwana Nna ke ne ke leka feela ho o lemosa hore o mpe o kgutlele bohading, etswe le yena Pontsho o tla hloka lerato la lona ka bobedi jwalo ka batswadi ba hae. Ho fetafeta moo batho ba tla reng feela ha ba ka utlwa ho thwe le entse lenyalo la lona la lemo tse pedi mohatla kgwiti?
Shwalane e wele jwale. Lapeng ha Palesa. O mmoho le Thabang, mme ba iketlile ka mmino wa maikutlo.
MMASEBOLELO: Atjhe, nna ha ke kgolwe hore o sa ntse a tla theohela ka nako ena ho ya ka moo e leng kgale re mo letetse ka teng. (O arabela monyako.) Kena!
THABANG: Ha ke o tlele ka bohlanya, Palesa, empa ke re ha o qeta ho beleha ngwana eo o mo tlise kwano ho nna, mme ke tla bona hore ke tswa jwang le yena.
SEBOLELO: Ke se ke itse ho ka mpa ha didietsa le lehlokwa bo! ha ke no kgutlela morao.
SEBOLELO: Aubuti Thabang ke kopa hore o tsamaye lapeng mona pele o nketsisa diphoso. THABANG: Nke ke ka tsamaya mona pele o nneha ditshwanelo tsa ka tseo ke di tletseng kwano.
SEBOLELO: Empa, mme, ke sitwa ke pelo hore nka e bua hona jwale.
DIKELEDI: Ha ke hane hore o utlwile bohloko haholo ke sena seo ba o entseng sona, empa ha ke bone ho hlokeha hore o salasalane le taba ena ho ya pele. Ntho eo ke nahanang hore o ka e etsa ha jwale ke hore le dule fatshe le Thabang, le rarolle bothata bona, etswe ntwa yona e ke ke ya o tswela kgomo le kgale, haholo ha o batla ho e qholotsa ka moya wa boiphetetso, o tletseng dikaqa. Amohela feela hore se etsahetseng se etsahetse, ngwaneso.
PALESA: Ha eka o batla ho nqosa jwalo ka ha eka ke nna ya o qobelletseng hore re qale dikamano tsena tsa marato. O ile wa bolela ka moo o nthatang ka teng, o ntshepisa hona le hwane, feela kajeno o se o mphara ka melato eo ke sa e tsebeng le ho e tseba. Le teng ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o haketse ka hore lenyalo la hao le a reketla, empa o ne o bolela ka moo o nthatang ka teng, le hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ke ile ka ba ka o kopa hore o hlale Sebolelo, hono ho ka bebofatsa mathata ana ao re leng ho ona, empa le teng o ile wa ema ka lerapo thabeng. Le jwale ke se ke utlwa le dipuo tsa hao hore o loha maano a ho kena pooneng. Hommeng he nke ke ka o dumella ho etsa jwalo, etswe lena ke lesea la hao. O tla jara boikarabelo bona ho fihlela o be o honyetsa hlooho ya hao mobung o batang. (O a lla.) Le jwale ke hona ke lemohang hore lona banna le fetofetoha jwalo ka maemo a lehodimo, mme botshepehi ke ntho e siyo ho lona mona.
MMASEBOLELO: (O mo kena hanong a bile a tsitsipane.) Ao basadi! O batla ho re jwetsa dife na, ngwana towe?
PALESA:(O a ikgalefisa.) O bolela jwang ha o re o tla be o iphasa ka lerapo molaleng, aubuti Thabang Ho bolela hore ke mokgokakgwale pelong ya hao Ke kgale ke ntse ke bona hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho ntshebedisa. Hoja e le hore o a nthata o ka be o amohetse kopo ena ya ka ka atla tse pedi o sa qeaqee le ho qeaqea?
DIKELEDI: Tjhe, ha ho kgang ha e le wena ya rialo, mmannyeo. Feela ke sa boela ke thatiselletsa hore o dule o fadimehile ka dinako tsohle, etswe le wena o a bona jwale hore naha e se e jele boya. Ba a ema, ba a tswa.
MODISE: Ke a dumela hore le ba bokgotsing mane ha ba sa re tshepa le ho re tshepa ka lebaka la enwa mora wa rona. Ke na le tumelo e feletseng hore le ka mohla moketjana ba ilo tla feela hobane ba bitsitswe ke moradi wa bona, e seng hore hakaalo ba ilo natefelwa jwalo ka batho ba bang.
PALESA: Ha ke no e araba eno potso hoba le wena o le tjena o tseba karabo ya yona hantle. Ke hlalositse hore monna ke qati o a lomisanwa.
MMASEBOLELO: Ha ho thuse letho, ntate, etswe re tla be re be re aha serobe phiri e se e jele ka ho etsa jwalo.
THABANG: Ha ke re ke hona ha ke bontsha boinyatso ba ka ketsong ena, ntate, mme le jwale ke a itshola hore hobaneng ke ne ke etsa jwalo.
THABANG: Ako tlohelle ho nkgonothela ka diletseng tjena hle, Sebolelo.
THABANG: Ke bile sethoto haholo ka hore ke iphumane ke kene dikamanong tsa marato, empa nna le wena re ile ra hla re etsa kano hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ho bua nnete ke ile ka kgahlwa ke none e feta e qhiletsa yaba ke wela lerabeng la yona. Ke moo he ke ileng ka kena leratong le Palesa Lebajwa elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha. Taba tse bohloko ke hore o tletleba ka hore ke mo robile lengole jwale.
DIKELEDI: Ee, le jwale ke dumellana le wena moo, mosadi, feela hakaalo eno e ne e se yona taba eo ke batlang hore o ke o nkumele yona.
MODISE: Ke itiisa pelo ha ke entse jwang na, mosadi?
SEBOLELO: Aubuti Thabang o tseba dinomoro tsa ka tsa mohala wa letsoho, keng a sa letse hore a ntsebise hore o diehile hokae, ho ena le hore a ntshwarise lefika jwalo ka tshwene tjee?
SEBOLELO:A re ho nna ke se ke ka dumella sera hore se re hlole, mme a tswela pele ka hore nna le Thabang re dule fatshe re rarolle bothata bona, etswe Pontsho ha a hola o tla re hloka ka bobedi ba rona. A boela a tswela pele ka hore ho hlalana ha se yona tharollo ya mathata, empa ke ho thabisa dira tsa rona feela tse kang boPalesa tjena. Feela leha ho le jwalo pelo ya ka yona e ntse e sa kgotsofala.
MABOKELLE: Ekaba ke taba ya mofuta nngwe na eo, mofumahadi?
SEBOLELO: Ke mpa ke etswa ke ona mathata a lelapa la ka.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke se ke itse ha ke na taba le bona, hoba ba ke ke ba tlisa thabo pelong ya ka. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla ntlhatswa qati, mme se tla lokolla pelo ya ka hara ditlamo tsena tseo e leng ho tsona.
MMATHABANG: Ha ke re ke utlwa le ka moo o buang ka teng hore ha o sa na taba le yena. Ha ke hane hore Thabang o re sitetswe, empa hono ha ho bolele hore re lokela ho mo qhalla matsoho jwalo ka ha eka ke mmutla wa dintjeng tjena.
MMASEBOLELO:O qadile dife hape jwale, mosadi?
MODISE: Le jwale ke a o tiisetsa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya hlola e etsahala hape. O a tseba le wena hore e kgotjwa e le maoto mane, mme le leihlo le fahlwa le shebile.
PALESA: Ke se ke itse o ka itlhantsa ka moo o itlhantshang ka teng, empa ha e le ngwana enwa yena o tla mo sapota ho fihlela o be o kena ho ona o batang, ke o jwetse. (A ikana.) Ka ntate, ka Lebajwa! oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale. Ho seng jwalo ke tla ya ho Sebolelo ke mmolelle hore o...
NGAKA: Ekaba, mme, o bolela jwang ha a rialo naMMASEBOLELO: Hobaneng le sa rate ha re ka ra bona SeboleloKe a bona le a lebala hore ke ngwana wa ka eo le re qhoshetsang ka yena tjena?
MMASEBOLELO: Le nna ke ntse ke eme hlooho jwalo ka wena, feela leha ho le jwalo ha ke makale hoba ke a tseba hore moshemane eo ha a nka fatshe, o nkile mekgwa ena e ditshila ho ntatae. He ke re ke mo hloile hampe monnamoholo eo ya tedu di putswa, tse kang tsa ntja e momme sekatana!
SEBOLELO: Ekaba ke taba efe na, ntate?
MMATHABANG: Moo teng ha ke bone ho ena le bothata, ntate, hoba ke seo ba boneng se tla ba tswela molemo. Ebile ke tlwaelo matsatsing ana hore banyalani ba etse meketjana e tshwanang le ena ho ka tsoselletsa mofuthu wa lerato lenyalong la bona. Ha re a lokela ho ba kgahlanong le moketjana ona, feela re lokela ho etsa bonnete ba hore leha dintho tsohle di ka etswa, mekitlane yona e lefuwe ka ho panya ha leihlo.
THABANG: Butle ka ho betsa ka majwe hle, monna! Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa hore ke sa ntse ke batla ho ja masapo a hlooho hanyane feela. Etlare mohlang pelo e ntumellang ho etsa jwalo, ke tla phethisa tshepiso ya ka ke sa tsilatsile le ho tsilatsila. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka tswa o sa behile pelo sekotlolong hanyane feela.
MMASEBOLELO:E seng ho nna mona, ntate. Ha ke bo labalabele le ho bo labalabela botsofadi boo ba lona, hoba ditlamorao tsa bona ke tse bosula e le ka nnete.
MMATHABANG: Butle bo! ntate, ka ho ja dipekere tjena. Nna ke bona ho hlokeha hore re mamele seo mora a batlang ho se bua hoba ke moo o se a boletse hore o a itshola ka sena seo a se entseng.
THABANG:(Ka ho tshoha.) Tjhe, le teng ha ho molato, ke tla itsamaela ka ntle ho mathata, empa mohlang ke kgutlang hape ho tla nkga ho sa bola. (O a tswa.
SEBOLELELO: Yena ha e le ho bua nnete ke ntse ke mo rata, mme, empa jwale maemo ao ke leng ho ona ha jwale a nqobella hore ke nke qeto ya mofuta ona.
MODISE:A ka lebala jwang athe ke yena ya neng a ithaope hore o tla itefella ditshenyelo tsohle tsa hae Hona ha eba ke nnete hore o lebetse ka taba ena, o nahana hore rona re tla lefa ba bokgotsing ka eng hoba ha re nang, mekotlana ya rona re e hlohloretse ho yena kaofela?
PALESA:(O mo kena hanong hape.) Ke o kgathatsa matla a ntho nngwe na, athe ke bua nnete (Ka ho phoqa.) Oo, be! o tla nkinela matsoho metsing ha ho le jwalo. Ha ke a tseba hore haeno nnete ke ntho e sa ratweng. Ha ke re jwale ho thwe lona batho ba botjholotjholo nnete e le babela jwalo ka leshokgwa, ebile le rata ha taba tsa lona di dula di etswa pinyane?
MODISE: Se ka mpotsa hore ke bua ka eng, o tseba hantle hore ke o bitseditse eng kwano. Mokgwa hao ke a bona hore o a tella, moshemane towe, mme le ka hloohong ka mona ekare o ntse o tletse mapokaetsi. Hona jwale tjena o re hlabisitse dihlong tsena tseo le nna ke le tjena ke sitwang le ho bua ka tsona. Hohang o re ntshitse mejo hanong le hoja re ne re o tshepile, monna.
PALESA: Hao aubuti Thabang! Na o ka ba wa touta ka nna le mosebetsing hodima moo lebenkeleng ho phethesela hakana Tjhe, ka nnete o sebete sa ho beha tau setswetse ke o jwetse?
Ba dula fatshe, mme Sebolelo o bonahala a maketse haholo.
SEBOLELO: Ha ho thuse letho hore re tswele pele ka morero ona, aubuti Thabang, hoba le kgotso ha e sa rena le ho rena lapeng lena. Ho fetafeta moo o batla hore lentswe la hao e ebe lona feela le ahelwang lesaka tlong ena. Ebile e nngwe ya ntho tse etsang hore ke nyekelwe ke pelo ka ho fetisisa ke hobane o rata le ho etsa tshepiso tseo o tsebang hantle hore le wena o ke ke wa ba wa di phethahatsa le kgale. THABANG: Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
MOLEFI:(Ka ho makala.) Palesa o ithwetse Banna wee! mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho ka nnete?
MMATHABANG:E seng ebe mohlomong o lebetse ka taba ena, ntate?
DIKELEDI: Atjhe, jwale o ntse o nqaka le ho feta, mosadi! Ho hang ha ke kgone ho bona moo mmila o putelang teng jwale. O bua ntho ena le nthwane o sa kgone le ho qeta taba ya hao. Pejana o ne o tletleba ka hore o se o lahlehelwa ke tshepo ho Thabang. Jwale o se o bolela hore o ntse o nyamella hara bodiba ba mahlomola. Ke eng eka o ditaba tjee, mosadi?
MODISE: Mosadi, ke kopa hore o ke o tlohelle ho nkena menong jwalo ka nama ya moketa tjena ha ke bua le Thabang. Ke se ke behile lentswe la ka tafoleng, mme ha ke kgolwe hore ke sa tla fetola maikutlo hape. Thabang ke monna, ha a hele a itlamele, a bone hore o tswa jwang ha ho se ho le tjena. Ha se nna ya tlilo ikopisa hlooho ka ntho tse etswang ka boomo mona. Hosane mona ha lerapo lena la hae le mo kgamme o tla be a re batho ba mo loile, empa ho se jwalo. E le yena ya itoyang ka boyena.
THABANG: Butle hanyane, moratuwa...
DIKELEDI: Empa ena yona ha se tsela e ntle ya ho ka sebetsa ditaba, mosadi.
THABANG: Ke tena ke bua tjena ka lebaka la bophoqo bona ba hao ba hore o nke diqeto o sa ntsebisa le ho ntsebisa jwalo ka ha eka ke wena poho ya lapa lena.
SEBOLELO: Ha ke re ke wena maobanyana moo ya neng a bolela hore aubuti Thabang o a tella, mme o tshwanetse ho rutwa molao Empa kajeno ke a makala ha e le mona o se o fetohile ha ba bohading ba ka ba fihla kwano?
MABOKELLE: Ha se hore ke sefelapelwana, ke tenwa ke ntho ena ya hore o fapane le seo motho a o botsang sona, o fumane o hlahlathela felleng o le mong.
MMASEBOLELO: Le yena a re ha a tsebe hore molato ke eng, ntate.
SEBOLELO: Tjhe, ha re di etse mohatla kgwiti hanyane tseo, mme, re tla tswela pele hape ka tsona hosane ha ke hlaha mosebetsing. O se o tla jwetsa ntate tsohle ha a fihla he, hoba ke eo ha esale a ile toropong.
NGAKA: Ke o tjhaella monwana tabeng eo, ntate, mme ka ho rialo ha ke bone ho hlokeha hore le ingongorehise tjena, etswe ntjapedi ha e hlolwe ke sebata.
PALESA: Ke efe yona eo Bua ka pele o tsebe ho hata kosene, etswe nako tsa ka jwale di a shapana?
MABOKELLE: Iphumole meokgo hle, mofumahadi, o tlohelle ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena.
SEBOLELO: Ba bangata hampe bana lefatsheng mona ba hodisitsweng ke bommabona feela, bontata bona ba iphile dimenyane. Ebile ha ke kgolwe le hore Pontsho a ka rata ntatae ya se nang boikarabelo jwalo ka Thabang tjena.
THABANG: Tjhe, e seng jwalo, ntate...
MMASEBOLELO: Ke se ke itse setsweng ke hole bo ntate! Nke ke ka tatela boqheku ke sa le motjha tjena, etswe ho sa le hole haholo moo ke yang teng, mme thota yona e sa namme eo ke lokelang ho e hahlaula. Ha e le boqheku bona boo le ratang ho bo tlamelletsa bo tla ntlhasela ke se mona le mona, ke le hole le dibaka.
MMASEBOLELO: Le nna ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo, ngwanaka, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi wa boemo ba hao ya neng a ka a mamellang masawana a tjena, a etswang ke monna enwa wa hao. Le teng o ntse a sa iketse, ha a nka fatshe, o futsitse.
MABOKELLE: Ke tjhaella taba ya hao monwana, mofumahadi, o ka hla wa ntsholela hanghang o re Sebolelo a re mathata ke eng hantlentle pakeng tsa hae le Thabang.
MMASEBOLELO: Ntatao o sa ntse a itse kgalo ka mona ka toropong mme o tla tloha a fihla neng kapa neng, etswe ke kgale a ile jwale. (O kukisa Sebolelo dithoto.) E re re behe dithoto tsena tsa hao ka kamoreng yane, re ntano hlaba kgobe ka lemao hore o tle o ntjwetse hore ho nkang sebaka ke eng ha o le mona ka nako ena, empa o le mosadi wa lelapa. (Ba fetela ka phaposing e nngwe mme ba beha diphahlo.
Diketsahalo tsa pale ena di itshetlehile haholo maphelong a banyalani ba babedi e leng Thabang le Sebolelo. Ho ya ka kutlwisiso ya hao ke molaetsa ofe oo mongodi a lekang ho o fetisa ka tshwantshiso ena?
MMASEBOLELO: Tjhe, ho a utlwahala jwale ha o rialo, ngwanaka. Ha re mpeng re di etse mohatla kgwiti pele di nka mothinya osele.
SEBOLELO:(O a kena.) Letswalo le molato le a ikahlola haeba ha o tsebe, mosadi. O tseba hantle lebaka le ntlisitseng kwano.
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a tseba Dikeledi, ke ne ke re ha ke no o jwetsa taba ena, empa jwale ke a bona hore o hlile o motho ya ntsotellang e le ka nnete, mme ka ho rialo ke bona ho hlokeha hore ke o amele yona.
THABANG: Kgoba matshwafo hle, Palesa, ha ke a tlela taba tseo kwano.
MODISE: Mosadi, na o ne o tseba hore le ho fihlela lena le hodimo Thabang ha a eso ka a lefa tjhelete yane ya mahadi eo e sa leng e salla morao ha re ne re ilo mo nyalla?
MMASEBOLELO: Sebolelo a re o se a makatswa ke ho bona hape eo molekane wa hae a etla lapeng a se a hlahlile mahlo, a rohakana ka tlhapa tsa mafatshe a sale hole kwana. Ho tloha moo o tla fihla a nkga a re phu! ke letsina.
MABOKELLE:O buile leha o ka thola, ngwanaka, mme ha ke bone ho hlokeha hore re nne re epollane le tse fetileng tjena, etswe ke tse utlwisang dipelo tsa rona bohloko.
SEBOLELO: Ha ke na taba le batho, mme, ke kgathalla bophelo ba ka ho feta eng kapa eng. Ebile wena le ntate le bua ha monate jwalo ka ha eka ha le na maikutlo, le jwale ke hona ke kgolwang hore ha le na taba le bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyebella hara bona. Ho hoholo ho lona mona ke ho kgahlisa baditjhaba ka bophelo ba ka. (O kgutsa motsotswana.) Le teng ke a makala hore hobaneng, mme, e le yena ya nkgothaletsang hore ke boelane le aubuti Thabang, empa e ne e le yena ya neng a mo halala le pele re ne re ka ra nyalana.
PALESA: Feela na o a lemoha hore lerato lena la rona le kotsi, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Ha ke eso ka ba ke o rohaka, feela ke mpa ke leka ho o loma tsebe hore Thabang ke monna wa ka, mme ke ntse ke mo rata le ho feta ka moo wena o ka nahanang ka teng. Ebile o se ke wa itlotsa meno ka enke hore ha o ithwetse ngwana wa hae o tla atleha mererong ya hao.
THABANG: Ee, ke a dumela hore ke o foseditse, moratuwa...
SEBOLELO: Na aubuti Thabang o ile a di hlompha dikano ha a tla etsa manyala a tjee?
SEBOLELO: Ke tla mpe ke leke ho buisana le yena ho ka utlwa ntlhakemo ya hae tabeng ena, mme etlare ha ke tea kalala feela e be hona ke tla e fetisetsang ho ba baholo hore ba ke ba ntwanele molamu wa hlooho.
PALESA:(O a mo aka.) Ha ba ha re kokololo! Le mmele wa ba wa phuthuloha hanyane.
MABOKELLE: Ke bothata bofe boo na, moradi?
DIKELEDI: Hantle haholo, mme, ebile ha ke bua tjena o ntse a panyapanya ka mora ditshepe mane ntlwanatshwana.
MMASEBOLELO: Ha ho le jwalo ke eng ba sa re lome tsebe hore ba tla re lefa neng ho ena le hore ba iphapanyetse rona jwalo ka beng ba dikolobe tje. O a tseba ke hloile batho ba botjholotjholo jwalo ka bana ba ha Modise hampe. Na o dumellana le nna hore batho bana ke mashodu, ntate?
PALESA: Le jwale ke ntse ke le mooki, feela eo ha se yona taba e ntlisitseng kwano hakaalo, aubuti Thabang. (Ho Molefi) Be! aubuti, o tla ntshwarela hle ka ho ala leleme phate tjena ha ke lokela ho o dumedisa. Dumela hle!
NGAKA: Ke a leboha, ntate. (Ka pelohlomohi.) Ke maswabi, batswadi ba ka, re lekile matsapa ohle a rona, empa ka bomadimabe...
THABANG: Thabo ya hao ke thabo ya ka le nna, Palesa wa ka. (O kgutsa motsotswana.) Jwale he ako mphetise mona hanyenyane feela. Hobaneng o sa itlaleha mosebetsing kajeno na, moratuwa Kapa le kene mohwantong wa boipelaetso le lona?
MMASEBOLELO: Butle bo! mmanyeo, o phomola jwang kwano athe o tshwanetse e be o ha hao ka nako ee Na a boetse a runtse botjha mathata a hao na, mosadi, ha ke bona eka o phuthile le mehaswana ya hao kgetlong lee?
MMASEBOLELO: Jwale re tla leta ho fihlella neng na, ntate, ha e le moo ho bonahala hantle hore ba re tshwarisitse lefika jwalo ka tshwene tjee?
THABANG: Ha re di behe kgutlo tseo tsa hlanya leno, re lebe kantorong yane e motsheo hore o tle o tsebe ho nkumela tsa moraorao tjena.
MMASEBOLELO: Tjhe, le jwale ngwana enwa wa bona ba lokela hore ba ke ba mo rute molao hanyenyane feela. Ho hang rona ha ho na ka moo re ka amohelang manyala a tjena ka teng. Haholo ha ba eso qete le ho lefa tjhelete ya bohadi!
SEBOLELO:O sa boela o nthohaka hape Ke tla o natha nna, ha ke no tsheha le wena?
DIKELEDI:(A phahamisitse matshwafo.) O batla ho reng na jwale, ntate ngaka. O se ke mpe wa re Sebolelo o...
SEBOLELO:O bolela jwang jwale ha o rialo na, mosadi?
THABANG: Wena, Sebolelo, ha ke tsebe hore ha motho a kopa tshwarelo ho bolelang ho wena. Ho hang ha ke utlwisise hore hobaneng o epolla masapo a kgale tjena, empa ke se ke ile ka kopa tshwarelo ha sekete.
THABANG: Jwale ngaka e phahlile pinyane efe na, mmannyeo?
<fn>Random.9780636072558T.WP.txt</fn>
UBUNTU mme ho ka ba molemo hore ho kgutlele morao ho ya itekola.
Le ha ho le thata bana ba Basotho, ha re phetse ho re; "Madume, ha kgotso e ate bathong!" Bosiu le motsheare, ho tjhesang kapa ho batang, ho le monate kapa ho le bohloko, sepolesa se ne se etsa thapedi ho setjhaba hore ba fane ka lesedi le tlang ho ba thusa hore mmolai a tshwarwe.
Ho jwalo ka mehla ha motho a sa batle ho amohela ho re a ke ke a phela ka ho sa feleng, kapa ntle le diphephetso tseo batho boholo ba di bitsang mathata. E ba ho se ho eba thatathata e a ithatafalletsa, motho wa teng a dube thankga a be a je habore a sa e jala. Ntho e nngwe qha! Eo re ka mo kgothollang ka yona hara banna ba mehleng eo. Ke lerato leo a neng a rata mosadi le moradi wa hae ka lona. Banna ba mehleng ena ha mosadi a hlokahala, eba motho wa teng o re "tanki ke tla ke ke phomole."
"Ena ntja ke tla e pshatla hlooho ntle ho mohau wa letho" Hang metswalle ya hae e leng Mokubetso.
Ruri lefatshe le aparetswe ke lefifi mme naha e jele boya. Bosiu le motsheare re utlwa tse hlomolang tsa bana ba hlekefetswang ka mekgwa e fapaneng e sisimosang maikutlo. Ka monka bana ba betwa, ba bolawa, ba tjheseletswa ka matlung, ba bang ba lahlelwa ka meqomong. Jo! Ebe botho bo hokae hona moo?
Hara baqolotsi bao ba ditaba, ho ne hobile ho le teng ba tswang mose ho mawatle. Hona ho ne ho bontsha le ho paka ho re se etsahetseng ka Lerato e tla ba hisitori lefatshe ka bophara, haholo ha ho toboketswa ditokelo tsa bana.
Kwana ha ke dumellane le maikutlo ao a hae. Mmopi o bopile motho ka morero le sepheo ka setshwantsho sa hae, ho bontsha lerato le kgaphatsehang ho sebopuwa sena se motho. Ho teng eka mpa ya eba ho re Mmopi o beha o tekong e le ho ruta ba bang kapa wena ka matla a Hae.
A ikotla sefuba a bolela hore yena ke le letsho Letebele lekgotla leo ho re ke yena ya bolaileng Mafenetha, o tla le bolella a sa tshabae letho. Mothobisa a mo thoba maikutlo ka hore a hle a dule a sa a ntse a lokile hore hang feela ha a re a bue a bue hee.
Basotho ha re bueng nnete ya mmakoma feela re sa lobe letho, hobane nnete e sefutho ebile e mokoka. Ho molemo ho shwa o shwela nnete. Ke eo taba!
Ruri tsa fatsheng lena la heso ha di monate kamehla. Mehlolo ke yang e renang. Batho ba bona mehlolo a sa feleng. Eitse ha a ya a lebile hae, a bona ho eme monna wa sefonthwane ya manetse hekeng ya hae. "Jo! ebe ke mang" O ipotsa jwalo le letswalo le tlile le sa mo fe phomolo.?
Balebedi ba sepetlele ba bile ba tloha pela bona ha ba bona ho re mosadimoholo eka o kopa tsela jwale.
Ha a qala ho e bala feela, ke ha a utlwa e ka ho na le motho ya kokotang monyako...
Hara dikgohola, difefo, dipula le marole a ditsietsi tse aparetseng lapa la Mafisa ngwana ntlo ya thapelo o ile a ipolella le ho nka qeto ho re Modimo wa hae o mo furalletse ka ha ho le thata hakaalo.
Le ha lefu la Lerato le amme pelo tsa batho lefatshe ka bophara, a moya wa hae o robala ka kgotso. Lefu lena ha e be thuto ho setjhaba, ho bana, dipalesa, dishweshwe le bokgabane ba setjhaba. Shu! Ha di eme di botse matebele...
O ne a ikutlwa hore haeba Mafenetha a ka phela hape, a ka boela a mmolaya hape ntle ho mohau wa letho. Kgetlong lena molamu o kopane le tshepe. Ho tla bonahala ho re ha ele molao, e le mafisa ebe ya matla ke mang.
Mafenetha enwa eo ho buuwang ka yena le yena e ne le mmolai, empa o ile a tswa toolo kgotla. Kajeno ke mofu mme re tla bona ho re ya hae nyewe yona e tla fella kae.
Motho o nwa tse pedi tse tharo e be bo se bo mathetse thekeng hoo a seng a batla mosadi e mong le e mong ya fetang.
Mafisa o ne a ithorisa a bile a phoqa ho re o la utlwa sepolesa se re se fofonela, se a kopola, empa ke sena ha se kgone ho mo tshwara. Hang hoba a qete ho menyeletsa botlolwana ya jwala ba sekgowa, ke ha a hlaba qootho hodimo bethe a mametse seyalemoya sa hae. Seyalemoyeng moo, ke ha ho hlahella hore hona le motho ya seng a tshwere mabapi le polao ya Mafenethe.
Lekgotla le ile la ema le monna mateneng ha Mafisa a ema a tiisitse hore ke yena ya bolaileng Mafenetha hobane feela a ile a bolaya Lerato, mme lekgotla la mo lokolla. Le ho re ho ya sepoleseng ha hae e ne e se hakaalo ho inehela, e ne empa e le ho kgutlisa sethunya hobane o ne a qetile mosebetsi wa sona.
Ruriruri ya mmaruri, ena taba eka e kgwadi, e kgwatsana. Hore mmelaellwa o tshwerwe ntle ho mabaka hobane feela nakong eo a neng a tshwarwa ka yona, ho ne ho se letho leo ho ka thweng o ne a ka bellaellwa ka lona mabapi le polao eo e sehloho ya ngwana e monyane hakaalo dilemong, ho yena eseng ntlong kapa moo a neng a e patile teng.
O ile a hla a etswa walawala ka pelenyana hore sethunya seo se hlahlojwe ka ho panya ha leihlo. O ne a qoba hore Mafisa a se kwallwe nako e telele ntle ho seo se mo tlamang. Ho latela diphuphutso tsa molao ho ile ha fumaneha ho re ke nnete sethunya seo sa Mafisa ke sona se ileng sa sebediswa polaong ya mofu.
Motho o mong feela eo a neng a ena le ho qoqa le yena le ha e se moqoqo o yang kae. Motho eo ke moruti wa hae wa kgale ya neng a se a behile meja fatshe. Ha e le moruti e motjha yena, o ne a sa batle ho mmona le moo a hatileng hobane feela a re ke ngwana.
"Ke Mafisa nna ha ke mmae, o tla nkutlwa. Ke tla ba jwetsa sefahlamahlo" Ho sa tsebe ditsaimaiso tsa makgotla a dinyewe ho ka beha motho ka mosing. Hang ho ba lekgotla le kene, ke ha moahlodi Steyn Delport a fa mmueli Mathobisa ho ka hloma paki ya mmuso dipotso tsa phapanyetsano. Jwale wa qaleha moferefere ka kgotla, ya nna ya ba ha ntjha ha tima, haboro e ne e kopane le koro. Kamehla ho jwalo ha Mothobisa a botsa dipotso.
A fellwa ke bohlale, maqiti le masene mmoho. Ngwanelajakane a ba a timellwa ke ho etsa thapelo ena e paala ya Ntata rona ya Mahodimong.
Mathibe wa batho o tlohile moo a ipotsa ntho di hanan ho fela, ho re ebe na Mafisa o thabisitswe ke lefu la Mafenetha hobane o ne a bolae Lerato kapa Hona, ebe o tsebang ka lefu leo Ho jwalo ka mehla ha ntho di rarahane tjena. Dipotso di feta dikarabo Ka mona Mafisa a sala a iqabotsa a bile aboledisa bothoto ba sepolesa. Ho jwalo ka mehla ha setjhaba se sa sebedisane le sepolesa. Maobane o ne a lla semeimei. Kajeno o a keketeha, ha sepolesa sona se matha bosiu le motsheare ho latela menyenyetsi yohle eo se e tholang bathong?
Haele mona ho hlakile hore Mafisa o ipatlele lefu ho sa natswe hore le tla ka mokgwa o jwang, ha e le ho fanyehwa teng, naheng ena ya rona. Nke ke be re ye Lesotho, Jeremane kapa Kapa. Feela ke re yona ena ya heso naha. Ha o bitsa mabitso a ka tloha wa iphumana o fahlile mmuso ka lehlabathe o sa ikemisetsa kgutsana. Naha ke yona ena. Ke phetho ke tu!
Tsena tsohle di bontsha le ho supa hore maikutlo a fapana. Le mmuso mona le mane eka o ntse o na le sepheo se fapaneng. Ke realo hobane eka mmuso ka nako e nngwe o ba behile moo hore ba iphumane ba ithole jwalo ka batho. Le teng ha ho se mananeo a phethahetseng a ho sokolla tseo tse ke ke tsa thusa ka letho. Ka nako e nngwe ke ho ba tlosa pela setjhaba feela hobane ba le kotsi. Batho bana ba lokela hore ba fete maemo a itseng a ditlhabollo tshokollo ha ba ntse ba le moo, e le ho re pele motho a ka fuwa parola, a fete le ho phethela mananeo ao a behuweng a tlhabollo. E seng motho a lokollwe le ho fuwa parola hobane feela a thodisitse bokeleme.
Ha a fihla sepetlele moo, ke ha baoki ba baleha ha ba mmona a tonne mahlo. Balebedi ba buisana le yena pele a kena. Eitse ha a kena ka phaposing ya Mmalerato, a fumana adutse hodima dikobo a le metsi tee! Ke mofufutso. Batho ra bona mohlolo. A fihla a dumedisa mosadi wa hae ka boikokobetso, meokgo e keleketlile marameng ho bontsha hantle hore kelello le he e ye e mmalehele, e sa le teng ho yena.
Ha re tloheleng ho oka seso ka makgapha, re tobe taba. Lerato o ile a ya sekolong jwalo ka mehla ho se phoso hohang feela. Hang ha a le tseleng a kgutlela hae, ke mona moo a kopanang le sekweta se lonya, dinyane la Satane, se ileng sa mo etsa ntho di hana ho fela. Ruri ho thata ebile ho boima ho thatolla toloki ena ya lefu la Lerato.
Hona ho kopane ba batsho le ba basweu. Ho bonahala ho re lefu ee le tlisitse kopano merabeng e neng e arohane ka nako e telele. Mokgopi oo wa mmala wa mookodi o bile wa tshwara mohwanto wa ho isa lengolo le bontshang ho ameha ha setjhaba ka ditlhekefetso. Le hoja pelo tsa batho di ne di amehile hakaalo, kgetlong lena hone ho bonahala hore maikutlo a kokobetse mme ba mmoho tabeng ena.
Thola o mamele.
Ha ho aka ha mo nka kgwedi a entse kopo ya laesense ya sethunya. Mohlomong ke ka hobane a ne a sena rekoto ya botlokotsebe e sa le a tswalwa. Qetellong ya ditshiu tsa hae tsa ho phela, o itjarisa joko e boima ya ho bolaya.
Kajeno ke hora ya borobong hodima hlooho mme re boetse re mona lekgotleng la dinyewe moo ho ntseng ho komelwa nyewe ya lefu la Mafenetha teng. Paki ya pele e se e ile ya kgeloha seporo, jwale re se re tla utlwa tsena tsa mmusomg tsona di re beha kae.
Le ha e le mona pelo ya Mafisa e ne e dula e rotha madi bosiu le motsheare motho o ka ipotsa hore ke hobaneng ho le jwalo hobane phofu ya hae eo e neng e le sona sera se seholo ho feta tsohle, o ne sa e romele ha Maotwanafinyella. Le kajeno lena le hodima o ntse a hloka phomolo moyeng hobane ha a batle ho amohela hore lefu ke leqosa le isang motho hae Lehodimong, kapa lefu ha se tharollo ha taba di rarahane tjena. Matsatsing ana o matha makgotla tsatsi le tjhabang le le dikelang hoo ho bonahalang hore ditshika, maqiti le tshepo ha di sa le yo ho yena O dula a nahana ka ho kopana le mosadi wa hae le moradi. Ha a hopola hore mohlomong o tla ilo kopana le Mafenethe ha a fihla pele kwana moo ho sa keng ho kgutlwa, re tla bonwa le ho hlajwa malotsana ka teng hore di eme jwang.
O ne a se a futhumetse a ikutlwa hantle ho re jwale o lokela ho fiela Mafenetha, ebang ho hlokeha le yena a ikotjele. Lepatlelong kantle moo tameneng, makoloi a ne a ritsitse le hoja a ntse a fokotseha ka bonngwe ka bonngwe. Haele mafiritshwana ona, a ne a ntse a bonahala mona le mane ba tenne mese e mona eo hothweng ke madimo-ntjeng. Mehleng ena ba se ba e bitsa ka sejatlhapi ba re ke, PLEASE CALL ME.
A puo tse bohloko ruri. Hosane ba boela ba lle ba re sepolesa ha se sebetse.
Ka mora hoba a nke kano, ke ha a qala ho fana ka bopaki ka tsela e phodileng a sa bontshe ho tshoha kapa hona ho tatasela. Ha ntse a inanatha jwalo, Mothobisa o ne a ntse a kgwarisa a inamisitse hlooho ho bonahala hore ho thata ho ntsha Mafisa mona selemong sena. Kelello ya hae ya boqwetha ya mmolella feela hore mona ho hlokahala maqiti le boqhetseke ho qala nyewe ena.
Kwana le yena o ne a tseba hantle hore mehleng ena motho a ke ke a tshwarwa feela feela tjena hobane ho nahanwa ho re e ka nna ya eba yena ya entseng tlolo ya molao. Pelaelo e phethahetseng e lokela ho ba teng. Ha o e sheba ka leihlo la molao o kgotsofale ho re lepolesa le ne le tlamehile ho ka emisa mmelaellwa le ho mo setjha pele. Le ha ho le jwalo, Mathibe wa batho o ne a ile a sebetsana le nyewe ena ka hohle ka moo a ka kgonang. E ile ya mpa ya eba le masobanyana a itseng ao ka ona nyewe e ileng ya putlama. Ha nyewe di ntse di putlama jwalo, tlhekefatso yona e hlwa mekwalaba.
Moahlodi a diha kahlolo ya dilemo tse leshome a hula ka thata ditlamong. Ya re ha a qeta, a phutha dipampitshana tsa hae a ikela. Jwale tsa mo phamola diphamola ho leba tlaase matamomg hona moo mapantiti a hulang joko tse boima tsa mesebetsi eo ba e entseng. Le ha e le mona batho ba eya ntlwanatshwana dilemo tse telele hakaalo, ho ntse ho le teng diphephetso tse tobileng banna le basadi hore ba kgutlele bothong.
Ha a nahana ho kgutlela hae Lerato a le siyo, a itshela ka dikgapha ha a hopola bohale ba Mmalerato bo kang ha se mme wa seaparo.
Ruri ho laolwa le ho buswa ke pelo le maikutlo ho ka isa motho diheleng moo motho a neng a sa ikemisetsa ho ya teng. Ho ka ba molemo ho buswa ke molao kapa o tlohelle pelo e lwane le maikutlo ho fele.
Le hoja a sa ka a mo sebetsa, o ile a mo siyela thathonyana hore a tle a e sebedise pele a eya sepoleseng. Eitse hoba ba arohane ke ha Mafisa a lahla sephuthelwana seo sa moriana. Ruri enwa motho o ne a kopane hlooho e le ka nnete. Nengneng, kaekae, o ne a batla ngaka empa ke enwa o lahla dithatho. E be o hlokang. Utlwa ha pelo ya hae e lwana le maikutlo o reng; "Ke kgale ke koma ditlhare, ke etsa dithapelo. Kgetlong lena nna ha ke shwa leteng ho lokile, ke kgale ke phela fatsheng lena le hlokang nnete. Ke bone meeka ka boha mehlolo, ha ho letho leo ke s tsebeng" Ha a realo o ntse a honotha feela hoo motho ake keng a utlwa seo a ntseng a se bua.
Ha banna le basadi ba hula ka thata jwalo, hae kwana bana ba ja meqomong, ba robala diterateng. Kaekae ba ntshuwa matlong hobane ha ho sa le motho ya lefang moo. Ba bang ba tswile dikolong. Motho a ka ipotsa hore boetapele e tla ba bo jwang ba ka moso ha e le moo ba sa phetla le ho phetla tjhe Hona ho bao ba phetlileng, e tla ba bothata bo bokae ho busa sekgakgatha seo sa batho ba sa balang Le ha ho le jwalo, ha re se phetse hore tsela tshweu ho fihlela kganya e fihla?
Hore molao o sebetse, ho batlahala dintho tse felletseng eseng hakaalo nnete kapa maikutlo a botho. Mosotho wa kgale o ye a re tselakgolo ha e bolaye. Ha taba di le tjena, molao o nka tsela e telele ho fumana dintlha tse felletseng pele ho ka etswa qeto ya nyewe.
Ha taba di eme tjena, eka setjhaba kaofela se ka heletsa hona ha ho a nka motsotswana feela. Kgotso le kgutso tse neng di rena ka hare ho Mafisa, di ile tsa fela ka ho panya ha leihlo hoba moradi wa hae a bolawe ka sehloho.
Ere ka ha nyewe e na e ntse e fuputswa, ho na ho se bonolo hore batho ba fuwe dintlha kaofela.
Ha ho le tjena pelo ya Mafisa e ne e matha thoteng tse tjheleng moo ho ke keng ha hlola ho mela jwang teng. Moo ho ke keng ha eba le tshwarelo teng le ha motho o ka etsa thapelo e bolelele ba ho fihla moo lefatshe le fellang. Le ha dipelo tsa batho di hlomohile, di hlorile, di labalabela boiphethetso, moya wa Lerato o phomotse ka kgotso badimong.
Ena e thata haholo hobane le ha eba e le lona, fatshe mona matsatsi a na le mabitso ka ho fapana. Empa lena le tjhabang hodimo le be le dikele, na lona ha le fetohe?
Bohle ba neng ba nthusa ba ile, mme meya ya bona e dutse monateng. Le nna kgutsana ke se ke hopotse Badimong ba heso moo ke tlang ho phomola teng. Le teng haeba ke ya di heleng, ho lokile ke hle ke ye, a se pholla kgafetsa eka o tla tloha aithunya. Ho ne ho sa hlaka hore ebe o a lora kapa o a phofa na. Eitseng ho tjhang ho sa ile le kgongwana hodimo, ke ha sajene Mothibe a fihla a emisa vene ya sepolesa hekeng tsitsisti...
Sena sa bontsha hantle ho re setjhaba se amehile haholo ke nyewe ena. Le hoja ho ne ho le thata, ho le bohloko hakaalo bathong ba bang, ho ba bang e ne e ntse e le kgotso le kgutso. Dishweshwe le mehaladitwe di ntse di eketheha ho paka botle le bokgabane ba popo ya Ramasedi.
Mathobisa o ile a ithaburanya ka ha a botsa Mathibe dipotso tseo boholo ba tsona moahlodi a ileng a dula a mo sireletsa ka ho re o se a di arabile. Mathobisa yena o ne a batla hore a mo lobokanye kelello ho fihlela moo a tlang ho hanyetsana le tseo a seng a pakile ka tsona. Ke a o hlapanyetsa moreso ho re Mathibe o ne a thelle jwalo ka thalabodiba, a bontsha boiphihlelo tshebetsong ya sepolesa. Ha lepolesa le paka mokgwa o tjena, ha ho lebaka la hore ebe le sa ntse le bitswa sajene. O lokelwa ke hore a phahamiswe ebe nkokonono, mmampodi ka sebele, a se okamelwe ke makejakejane ana a kgantshang diphephetjhana empa ho se boiphihlelo hohang ho bona.
Le hoja Mosotho a re letsatsi la kajeno ke lona lela maoba le maobane na?
Ntlwanatshwana ditlamong kwana, fifing la bonkantjana, a ke moo Mafenetha a hanang a lomahantse meno ho re ha se yena ya bolaileng Lerato.
Bonneteng ba taba, o ne a se molato hobane a sa tahwa hohang feela. Kwane Mosotho o ye a re; nonyana e otlellwa le sehlahla. Ke phetho ke tu!
Ena ke e nngwe phoofolo. Hang ha a tloha moo, a menahana le mehlala ho leba lapeng.
Ha ditsietsi di behile batho merebele ka mokgwa o tjena, ho ba thata ho ka kgodisa motho hobane ke mona le makgotla a hana ho ba sebeletsa ho ya ka moo ba utlwisisang le ho lakatsa ka teng.
Sepoleseng mane batho bane ba ntse ba etswa ba kena ho tla tlaleha mathata a bona ka ho fapana. Ha hora ho otla ya boraro hodima hlooho, ya hata e kena ntja-a-makgaba. Yona koko o haile kae bana ba a o tshaba. Ke bolela yena Mafisa ka sebele, monna ya sa batleng ho jarelwa mefokolo ke banna ba bang. A kena a hatela hodimo jwalo ka le leshodu le batla ho tla utswa ho itseng le nto ikela. Jwale ha qaleha moferefere. Ha dubeha. Ha nkga ho sa bola ka hare ho polesiteishene. Batho ba ne ba ntse ba thuswa ho ya ka moo ba fihlileng ka teng le ho latela ho re mang o lla ka eng jwalojwalo. A kena a fohlaka feela ho ya khaontareng moo sepolesa se ngollang teng. Banna! A fihla a nyahlatsa pistolo le mahlahlelo a yona hona moo a tonne mahlo. "Hei banna! O kae Mathibe" ha a realo ke ha a tilatila hodima khaontara ka letsoho a ntse a re o mmatla mona. Kgidi! mapolesa a tswa a patisane monyako o kenellang ka hare ka kwana ha ba bona sethunya. Batho ya nna ya e ba; joojoweee... thusang ra shwa weee... riri Mathibe le ha ba ne ba ye ba re ha a na dipalo empa o ne a le sebete ho feta bana ba batjha ba mangolo a hodimo. Hang ha a utlwa morusu oo, ke ha a hlaha ho tswa ka kantorong ya hae. Le hoja a ne a tshohile, ha a ka a rata ho bontsha ho tshoha hoo ha hae. Eitse hang feela ha ba teanya mahlo le Mafisa, ke ha a re; Mafisa e se e le eng hape ka wena He!?
Hara mmidimidi oo, ho ne ho le teng Mafisa le Mmalerato. Ba ne ba tsheheditse ho feta ka moo motho o neng o ka lebella ka teng. Dipelong tsa bona ba ne ba emetse ho tla utlwa ha moahlodi a diha kahlolo. Kahlolo eo ba neng ba e lebelletse, e ne e le ya lefu qha.
Taba ke ena Ha Mafisa a ntse a kopakopanya boroko ka dipilisi le ha bone bo hana, sepolesa se ne se ntse se itlhopisetsa nyewe e ileng ya hohela lefatshe bophara.
Lefu la Lerato le ile la tla ka mokgwa o sa amoheleheng hohang motseng oo le lefatsheng ka bophara. Le ha ho le jwalo, mehleng ena bana ba bolawa jwalo ka dintshintshi ke batho ba baholo hoo motho o ipotsang hore, ebe bane ba ba isa kae.
Karolong e nngwe ya bopaki ba hae o ile a bontsha ka ho totobala ho re boiphethetso ke tlolo ya molao, mme ha ho ka moo molao o ka sireletsang motho ya etsang seo ha ho sa natswe hore ke tlasa mabaka kapa boemo bofe.
"Ha eba e ne le bosiu jwalo ka ha o se o dumetse, ho tjho ho re ha o a mmona." "Tjhee monghadi, ho mmona ke mmone ke mpa ke sa hopole diaparo tseo a neng a di apere tsatsing leo." Ho realo Makubetso le ho ja ho bonahala hantle hore ha a sa hopola kapa hona ho ba le bonnete ba hore moqosuwa o nkile nako e kae pele sethunya se kgabola Kapa o mmone hang kamora hoba se kgabole Ha a boya sekwele mora Mokubetso a hlalosa ka letswalo le thotseng feela ho re o mmone hantle hang feela ha sethunya se qala ho kgabola. Mathobisa a mo tonela mahlo, a hana a lomahantse meno hore o ne a ke ke a ba le bokgoni ba ho ka bona moqosuwa tlasa maemo a jwalo a tsitsipano e kaalo ebile ba utlwile ka mokankanyane?
Eitse hoba Boriki a phethele bopaki ba hae, ke ha lekgotla le kgefutsa nakwana ya metsotso e leshome le metso e mehlano. Ha lekgotla le sa kgefuditse jwalo, Mafisa a bonwa a keketeha e le ha a utlwa mmuelli wa hae a re Boriki eka o ntse a ipuela ditsiebadimo.
Makubetse e ne e le e nngwe ya dipaki tse ka sehlohong nyeweng ena. Haeba re hopola hantle, Makubetse enwa e ne e le motswalle wa mofu Mafenethe. Le mohlang a ne a bolawa ba ne ba ntse ba le babedi. Lefu ha le na morena. Mafenetha e ne e le sehwabana, ntho e ke keng ya tsitsinngwa ke diheshana boMafisa. Empa kajeno o bitwa mofu, mme le yena o patilwe serapeng sa mabitla jwalo ka batho ba bang. Motjhotjhisi o ile a etella Mokubetso pele ha a fana ka bopaki, a hlile a bonahala a le mahlahahlaha eka o tseba tsohle. Motjhotjhisi enwa e ne e le monghadi Ntataise. Botataiseng ba hae a bua jwana: "Ee, monghadi Mokubetso a ko bolelle lekgotla lena o sa lobe letho ka seo o se tsebang ka moqosuwa enwa, o itshetlehile haholo ka se ileng sa etsahala mohla monene moo Mafenetha a ileng a thunngwa le ho bolawa teng".
Eitse hoba a theohe, ke ha moahlodi Steyn delport a bontsha mona le mane hore paki ena e dukile bopaki ba yona hobane feela e sa ka ya eba le mamello ho arabeng dipotso tsa mmuelli Mathobisa. Ka hoo hee ha phethahala ha hlaka hore bopaki ba hae bo ka ke ba amoheleha ka ho phethahala ntle le dintlha tse pedi tse tharo tseo a ileng a tsitsa hodima tsona. Lekgotla ha le a ka la hlahisa dintlha tseo tse boletsweng.
Hang ha a atamela ho yona e ba o pepeta senotlolo. Yona mabone paipai, jwalo ka ha eka e ntse e re ke o emetse ha re tsamaye. Ha ba eya ba lebile koloing ke ha Mokubetso a neha Mafenethe ho hong letsohong. Yaba Mafenethe a kgutlela ka hare le ha a ne a se a phunkgane hakaalo. O ile a nyamella nako e telele hoo Mokubetso a bileng a theoha ho ya mo sheba.
Ka mora hoba ba be tlhokomelong ya bongaka ba ha Mafisa ba ile ba lokollwa sepetlele. Le ha ho le jwalo, pelo tsa bona di ne di ntse di rotha madi. Kwana maikutlo a bona a ne a bonahala a batla a kokobetse hannyane.
Mathibe o ile a hlalosa hore o ile a leka ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng hore a latele metjha ya molao. Sethunya seo se ile sa romellwa dihlahlobong tsa dibetsa ho ya ho se lekola ho re e be ke sona se sebedisitsweng polaong ya Mafenetha kapa tjhe.
Mafisa o ne a bona a bolokehile ho bona sepolesa le sesole se paterola motse ka tsela e jwalo. "Hela kgomo tseo le manamane a tsona bammuso"O tjho jwalo e le ha qeta ho fahla mokgodutswane ka thoko ho tsela. Ya re le pele a qeta ho itokisa, ke ha dintja tsa mmuso di mo phamola di mmetsetsa jwalo ka mokotla wa mashala ka mora vene. Eitse a sa kena a itshwahlametsa jwalo, ke ha a fumana ba se ba ntse ba mo emetse. Ba mmolaisa dieta. O ile a mamella feela ka ha a ile a wela hodima bona le hoja e ne e se ka boomo...
Le ha ho ile ha monka nako e teletsana a sa kgone ho amohela hore o se a phela a le mong, peo ya hae e neng e se e iphelela thoteng tse tjheleng, e ile ya kgutla. Feela nyewe ya moradi wa hae e ne' e sa mo fe phomolo ha a hopola mantswe a mosadi wa hae a ho re a sale a beile ditaba leihlo ka hloko.
Lekunutung leo la bona ho hlahella tse latelang. "Ha e le moo o bolela hantle ho re ke wena ya bolaileng mofu, hoya ka wena, mofu le eo motswalle wa hae, na ba ne ba nwele haholo kapa hantle feela jwalo ka batho ba bang moo" Ho botsa Mothobisa. "O a bapala monna; ba ne ba phunkgane 'pap'! ke a tjho" E be ke hobaneng ha o ile wa thunya mofu Ho botsa Mathobisa a hlile a batla ho thola ditaba kaofela. Qalong Mafisa o ne a sa ikemisetsa ho sebetsa mmoho le yena, empa kgetlong lena ke enwa o ithapetse. "Lerato! Lerato! Heiii "Ha a realo a sekisa meokgo ho bonahala hore taba eo e mo amme maikutlo?
Tse ding tsa ditlhaloso o ne a di thola ho tswa bathong empa di sa tlohelwe di hole mmoho di tla bonwa mohla kotulo.
"Kgutso ka kgotla!" Ho realo motjhotjhisi a bonahala a potlakile le ha re sa tsebe moo a potlakatseng teng. O ile a nna a di bitsa ka ho latellana a fana ka maswabi a fapaneng ao di tlang ho buuwa ka ona.
Eitse ha vene e fihla poleseteishene, ha bitswa ngaka ho tla hlahloba ngwana eo. Mapolesa le ona a ne a tshohile hobane a sa ka a hlokomela ho re ho teng mosadi ya pepileng ngwana lesea nakong eo ba ntseng ba hlohlela batho jwalo ka mekotla ya mashala ka veneng. Ebe tselatshweu batho ba tla e bona jwang ha e le mo ba sa natse ditokelo tsa bana ba masea tje Ke yona taba eo?
Jo, ya ba Mathibe o se a fahlile mmuso ka lehlabathe ke ho bua ka nyewe eo ya moradi wa hae. A mmolella sefahlamahlo ho re ha a sana tshepo hohang sepoleseng hobane le bosiung bona bo fetileng, o ne a kwalletswe tjhankaneng hothwe o tahilwe. O ne a bile a bolela hore mapolesa a se a jele tjotjo ke ka hoo nyewe ena ya Lerato e sa kgoneng ho fela. Ao tjhe, yaba Mafisa o duletse ho nxafetsa a sa kgaotse.
Hara sehlopha seo sa banna le basadi ba leshome, ho ne ho bile ho le teng ba mautlwela batho, bana ba fofonelang ditaba haholo ha ho le tjena. Empa ho potlaka hona ha bona, le hona ntshe ho batla ho tshwana hantle le polelo e reng, motho o aha serobe phiri e se e jele. Ke realo hobane ngwana o se a fenethiwe empa sepolesa le setjhaba ka kakaretso se ntse se le teng. Kwano ha re a lokela ho nyatsa lehlakore le itseng. Ho bohlokwa hore re sebetseng mmoho ho lwantsha ditlolo tsa molao.
Ena taba e hana hohang ho theohela le ho tsitsa maikutlong a setjhaba. Mona le mane motho o ka ipotsa hore ebe ho bolelwa eng ha ho thwe motho o tshwerwe ka tsela tse sa nepahalang tsa molao empa a tshwerwe ke lepolesa se sebedisa molao o ka thoko hoo e reng qetellong ya ditaba dinyewe di qhalwe, ruri karohano e tla ba e kgolo ho feta noka ya Mohokare ho ka e tshela. Le ha ho thwe e kgotjwa e le maotomane, maemomg a tjena teng, seo se ke ke sa amoheleha. Ho itswe setjhaba se se inkele molao matsohong. Empa ha e le moo ho etsahala tjena, ka ho realo ha se hore sepolesa le sona se ke ke sa eba le dikgaello tse itseng. Ha di fokotswe bo!
Thamahane ya dula e larile habohloko tlasa sefate e sa sisinyehe le hannyane feela. Pistolo o ne a ntse a e pholla kgafetsa monwana o se o le pshasha ho kgothotsa dinotshi tsa semana.
Ha a lokela ho arabela ke ha a mmontsha sethunya hodima khaonthara. Mathibe a se phamola ka ho panya ha leihlo feela a ba a mmolella hore o tla mo kwalla le sethunya seo a se nkele sefothe.
Kaekae eka ho ne ho ntse ho hlahella hore mona kapa ho latela paki ena, Mafisa o ile a tshwarwa e le ha a itlisitse mabapi le polao ya Mafenethe eo ka nako eo ho neng ho se motho ya neng a tseba hore mmolai ke mang.
Ke phethile takatso ya ka mme le ha nka shwa, ke tla robala boroko ba ka ka kgotso. Ha e le badimong ba heso ba Matebele a hlapang ka moro metsi a le teng, teng ke tla kena ke matha hobane ke bolaile sera sa Matebele. Ha nka kopana le yena hape hodimo kwana, a eja letshemetsheme hara lefifi ho boela hae.
Ke eo taba.
Ha letsatsi pitikwe ya mollo le hlahlamela dithaba, le hopotse tlaase Bophirima ho tswa hole kwana Botjhabela, ke ha batshwaruwa bohle ba kenyeleditse Mafisa, ba nkuwa ka vene ho leba tjhankaneng. Motho wa pelo e kgubedu, wa ho buswa le ho laolwa ke maikutlo le pelo e hanang ho teela kapa hona ho qekwa, ho e na le ho kena lebitleng, ke e nwa o kena ntlwanatshwana. Kwana motho ka mong o na le maikutlo a hae a fapaneng le a e mong bophelong bona boo re bo phelang. Taba kgolo ke hore ebe motho o bo laola jwang ha a thabile, kapa ha a kgenne a halefile, a tuka malakabe ke ho utlwa bohloko. Ha e ne e le koloi re ne re tla fokotsa mafura re theole dikere ho fokotsa lebelo. Jwale motho ha se koloi.
O ne a ipolelletse ho tswa botebong ba pelo le maikutlo hore ha a ka leka feela a re o ikgutlisetsa, o tla mo phunya masoba hore a patwe e le sefe.
Ka mora nako e sa fediseng pelo, ho ile ha tshwara motho ya neng a belaelwa mabapi le polao eo e sehloho. Setjhaba se ile sa hlasa ke bohale se batla mmelaellwa matleng.
Qetellong ya ditaba ke hore Mafisa o ile a llelwa ke ditshepe, mme pistolo ya hae lemahlahlela tsa nkuwa ke sepolesa. Ho Mafisa ho ne ho duma kahlolo ya lefu qha! Ntho ya hore a ka nna a ahlolelwa bophelo tjhankaneng, o ne a sa enahane feela. Le lefu lena leo a buang ka lona, o ne a nahana hore o tla ilo kopana le mosadi wa hae le ngwana ka lona. O a lebala hore e mong le e mong o tla ema pele terone ya kahlolo ho sa natswe hore o moholo kapa o monnyane.
Hara lefifi leo o ne a bile a kentse diborele tse lefifi le katiba e mona eo hothweng ke hopahete. Ha hla ha ipaka ho re ha e a lala e a kupa. A qetella ka ho hlomela jwalo ka lesole le yang ntweng, a nto theohela hare kwana hara motse, hona moo ntho di etsahalang teng. Hona moo ho fulang phokojwe, phiri, lekanyane, dikonyana le dithamahane mmoho, eka kgotso e teng athe e nngwe le e nngwe e iphehela ka pitseng. Mona ke mona moo hothweng ke kenang bohle baka se sa le teng, ho sa natswe ho re o moholo kapa o monnyane.
Ere ka ha matsatsi a tjhaba ka ho fapana le hoja kaofela a tjhaba ho tswa Botjhabela a dikela Bophirima le lona lena le hodimo, le nnile la tjhaba jwalo feela.
Op en af ena ya bona ya kgentsha Mafisa le ho feta hobane o ne a lokile ho phatlola Mafenethe hlooho, e re bosiu bo esa, e be e le mofu kokwanyana di emetse setopo sa hae mobung.
Ere ka ha matlo ho tjha a mabapi, batho ba ile ba phallela moo ho tla thusa le ho utlwa se hlahileng. Bonnete ke hore le batho ba ne ba sa ba ratesise hantle hobane ba na ba nahana ho re bona ba tla kena Lehodimong ka ha ba tsamaya kereke. Le hoja batho ba ne ba ferekane hakaalo, ho ne ho eso hlake ho re Lerato o kae. Ebe ba hao bana bona ba kae?
Hang ha a realo ebe o se a itshela ka dikgapha. Ruri ke maswabi ho bona dikeledi di keleketla marameng a setswadimoholo se kang sena. Le ha ho le jwalo, sena ya eba sehlabi se tjhwatjhwaselang pelong le maikutlong a Mafisa, haholo ha a hopola hore o ne a rata Lerato ka lerato le ke keng la bapiswa le eng kapa eng e teng lefatsheng. Ho tswa botebong ba pelo e rothang madi, e sulafalletsweng ke ho phela o ne a re, Haeba ke nnete seo Mmalerato a se buang, ke kopa tshwarelo ho Modimo le Badimo ba Matebele, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng.
"Ke Mafisa e motsho Letebele, motho ya hlapang ka moro metsi a le teng. Ke tla mo fafatsa hoo ba boi ba tjhetjhe. Ha e le sepolesanyana sena se makwala sona, ke tla ba etsetsa ha e phethwe ha ba ka tla ntshetisa morerong ona wa ka. "Ha a realo, a tsheha haholo a ba a keketeha.
E thata ena potso banna, hobane motho a ke ke a phela ka moo a ratang ka teng. Haeba e le bosiu ke bosiu. Ha ho motho ya ka bo fetolang le ha a ne a lakatsa. Hoo ho ke ke ha kgonahala. Botebong ba pelo le maikutlo a hae, o ne a na le lehloyo le neng le hola tsatsi le tjhabang le le dikelang. O ne a hloile sebopuwa sena se monna hoo a bileng a lebetseng hore le yena ke monna. Ho hloya motho ntle le hore o leke ho mo Kenya tseleng ya nnete ha ho thuse letho. Ho teng ke ho phahamisa bora le bokgopo boo re lokelang ho ho hlaola maphelong a rona.
Ya hasana ditokitoki ka tlung a ntse a nxafanxafetsa. Ao, ngwana bo rona o phela thoteng tse tjheleng. Osusumetswa ke maikutlo a hlokang ho laolwa. Le hlooho ekapa difate, ha ho pheko, ke bothata ba kobo ya kgomo. Ka mora nako e telele a nyamelletse ka tlung, ke he a tswa aadile mabatha ho se motho ya tsebang moo a yang teng. Ke elwa a bile a ilo kena sepetlele moo mosadi wa hae a leng teng. Hona ho tjho hore o thotse molaetsa ho tswa mohaleng mme ke ka hona a ileng a pshatla mohala wa hae. E be molaetsa o ne o reng Ho tseba mang ha e se yena Mafisa, hobane o fihletse ho yena?
Le ha e ne e sa le hoseng hakaalo, ba bang ba ile ba nna ba kgutlela hona mane ha maobane ho ya tloswa letshweya. Ruri lena letshweya ke la mohlolo. E ka ba bosiu, motsheare kapa hoseng, motho wa teng o dula a lla ka letshweya. Metsotswana e se mekae feela Mafisa a fihlile ha hae, ke ha vene ya sepolesa e fihla e ema tsi! kgekgenene! ka pela ntlo. "Ao banna! ebe meleko ke ya eng" A realo a nyontse, a tenehile a sa batle letho la sepolesa?
Matsetse le ditshitshidi tsa robala di iphepile ka madi a banna le basadi ba matahwa. Hoseng e sa le ka madungwadungwa, ke ha ba lokollwa e mong le e mong a fuparisitswe sephephetjhana se bontshang hore o tla lokela ho hlaola diranta tse lekgolo kaofela. Qoso ya bona e ne e le ya ho tshwarwa o nwele kapa o tahilwe pontsheng. Tsena tsohle tsa ferekanya Mafisa haholo ha a hopola hore o ne a sa tahwa. Hape, ho ne ho ntse ho le teng bao mapolesa a neng a ntse a ba kgashatsa ka kgopolo ya hore ba nwele hoo ba ka keng ba ela hloko taba ena. Ha Mafisa a ntse a komakoma jwalo, ke ha banna le basadi ba matahwa ba ikela ka makgoro ho bontsha hantle hore ba e tlwaetse nthwena. Ka nako e nngwe ho ba bohloko ho motho ha dintho tseo o sa di tsebeng di etsahala haholo ha o sa di tlwaela.
Hoseng ka meso o mamele tshase mamonotwana. Ha di ntse di kgitla dikodu jwalo ha monate, makgotleng mona ho pheuwe kgang, ho komelwa dinyewe. Mona kgang ya monna e kgaolwa ke letlaka ke phetho ke tu!
Ka kgwedi ena ya Pherekgong haholoholo ho ba lehlapahlapa la motimahlaha malapeng moo batho re phelang teng. Batho ba eya mosebetsing, dikolong, dikerekeng, mafung, ba a eta, kapa ba ithapolla ho le monate kapa ho le bohloko ka ho fapana.
Tse ding tsa dikgothaletso ho tswa bathong e ne e le hore molao o tla mo tshireletsa nthong tsohle. Empa o ne a ipotsa hore ebe o tla tshireletswa jwang o hlolehile ho tshireletsa Lerato tleneng tsa mmolai ya sehloho ya ntseng a eja a nwa tsatsi le tjhabang le le dikelang. Tsena tsohle ho yena e ne ele mopoto feela. Ka lebaka la lefu leo le sehloho la ngwana ngwanana, mmae e bile a qala ho kula a jewa ke mafu ao le ona dingaka di sa kang tsa a phekola ho fihlela a ikela Badimong. Hakaalo re ka se re dingaka di hlolehile. Re ka mpa ra re nako e ne e se e fihlile ya hore re orohele hae. Kwana tsena ke tse ding tsa dintho tseo motho o ka ipotsang tsona kapa a ipolellang tsona.
Bophelo ke ba monga bona a le mong. Motho wa lefatshe le ha a ka thaba, a hlonama, a hlabeha, a sarelwa, tseo tsohle ke mafela hobane a ke ke a phela ka ho sa feleng. Empa batho ba hana ho amohela le ha motho a se a iketse badimong. Le ho tela hona ho pala ha ba ho kgone kapa hona ho batla. Ha re sa tseba.
Le ha ho le jwalo ke ha sajene Mathibe a theoha a hatela hodimo ho tla ho yena. "Hela dumela a bo tau-ya-kgale. O phetse jwang" Ke Mathibe eo a sa tsebe le ho tseba hore Mafisa o ne a kwalletswe bosiung bo fetileng. "Ya! Nka thusa kang" Ke Mafisa eo a sosobantse difahleho ke ho teneha. Mathibe o ile a makala ke boitshwaro boo, feela a fetisa molaetsa wa hore ka Labobedi la beke ena e tlang, nyewe yane ya Lerato e tla boela e kena lekgotleng la motse hoseng?
"Lerato o re re mo tlohelletseng tleneng tsa sera" Ha a realo, keledi tsa keleketla marameng a swebaneng ke ho hola. Ho bohloko ho bona motho wa dilemo tseo a rotha dikeledi.
Eitse a sa ferekane jwalo, ke ha a nanabela Bibele ya hae e nang e tletse hohle malapeng mona, feela batho ha ba di phetle ho iphumanela bohlale ba Modimo.
Ha e le makoloi a sepolesa le diambulense e ne e le lengwee ngwee ngwee ho ya moo kotsi e hlahileng teng. Tse ding tsa tsona o ne a fapana le tsona tseleng ho se ya ka nahanang ho mo thiba tjhe.
Le hoja setjhaba se ne se itlatlareditse jwalo, taba boholo e ne e le ho bona hore o ameha ho le hokae nyeweng ena.
Ha ho le tjena ke hore motho o tlohele ho bala dikoranta tseo ka nako e nngwe di ye di tlaleheng ho ya ka moo di ratang le ho utlwisisa ditaba ka teng, athe hangata di rotelesa feela ho se jwalo. Ha kaalo ha se hore ha di bolele nnete, empa ho jwalo feela.
Jo, mosadi a itshela ka dikgapa. Yaka o a bona hore ho hlahile tsietsi ya mahlomola pelo.
"Ruri bophelo ba mehleng ena bo naka di maripa" ho realo Mosotho wa maswetswe a lomahantse meno.
Topo sa tjapalla fatshe moya o tswile nameng, tjhoba le letse phoka. Ha e le Mokubetse yena o ile a phohlola koloing mono e le dikupu feela ka morao ho ntsha mosi ka lengope. Kgidi! ya boi enwa motho. O ne a ntse e tshwere sethunya ho yena mono empa ho bonahala hore o bile a se lebala ka letswalo. Hoja Mafisa a rata ho mo fiela, le yena a ka be a ile ha Maotwanafinyela. Mafisa a baleha ka pelo e thabileng eo ho bonahalang hore e kgutlile mafisa moo thoteng tse tjheleng, moo e ileng ya eba teng nako e telele. A ikutlwa moya wa hae o phutholohile le hoja a bolaile motho.
Athe ho sa tsebe ke lebote. Ke realo hobane kgetlong lena eka Lerato o ne a wetswe ke kodua ya masetladibete. Ee, ngwana o harotswe ke koeyoko mme moya o tswile nameng ho fedile ka yena. Pelo ya hae ya qala ho balabala e sa qete, a kena a etswa ka tlung ho se nko ho tswa lamina. Hang ha a sheba nako, a fumana ho re manaka a palamane. Monna a fufulelwa nkong, a tlalwa ke pherekano haholo ha a bona ho re boholo ba bana, ho bonahala bo finyelletse malapeng jwale. Kamehla sekolo se ne se tswa ka bohora ya pele kapa ya bobedi, empa kajeno ke moo ngwana o jewe ke haretsebe. Eitse a sa tlalletswe ke naha jwalo a sa tsebe hantle seo a lokelang ho se etsa, a kopano le Mmalerato a se ntse a tjhesa a loloma ke bohale jwalo ka ha eka Mafisa o lokela ho tseba se etsahalang ka Lerato.
O ne a ipolelletse hore haeba molao o sa sireletse motho, motho o tla lokela ho nka thebe le lerumo ho itshireletsa dinthong tsohle. Ena ke tabatabelo ya motho ya felletsweng ke tshepo le maqiti a ho phela lefatsheng lena le ka kwano.
Jwale taba ke ena. Tsena tsohle ke tseo re di boneng ho seithati sena sa monna wa mmakgonthe. Joo hee... o a ithata enwa motho! Ke bolela mang haese Mafisa ngwana wa ntlo ya thapelo. O ye a re o ka nketsang ha e ahe motse, motse ho ahwa wa morapedi. Ha ke bua tjena ke eo mo a emeng teng. O rakalletse jwalo ka mokoko o bona dithole. Sutu o kentse e ntsho, mme dieta di benya sa lehadima sebele.
"Mallela! Mallela! Tlohela ho mpotela monna. Ha le fanyehe ntja eno keng" Ha a realo dikeledi tsa keleketla marameng, meokgo ya re qhii a ba a inamisa hlooho ke pelo bohloko. Le ha ho ye hothwe monna ke nku ha a lle, empa kgetlong lena re bona monna a lla ho bontsha ho re ho hobe, ho thata pelo e lwana le maikutlo, mme e sitwa le ho qekwa kapa hona ho tshediswa ka eng kapa eng?
Fifing la bosiu ka kgitla, ke ha bashemane ba tsubisa Mafisa kgomoafatshe le hoja a ne a sa tsube motho wa batho. Ba re abine bosiu bohle a sa phomole. O ne a ipotsa hore ebe bana bao ba na le batswadi na, ha e le mo ba hloka tlhompho ke re le ha e le ka sekotwana feela sa monwana.
Matla ao ho buuwang ka ona mona ke a hore mehleng ena motho ha a ka ke a tshwarwa ka matsoho e se kgoho e tshweu hobane seo e tla be e le ho fahla mmuso ka lehlabathe. Motho ha a shapuwe. Kajeno tangtang e tla kgangwa ke lerole kgotleng la mmaseterata hobane ho phehilwe kgang, mme kgang ya mmona e tla kgaolwa ke letlaka. Moahlodi o tla tlameha ho diha kahlolo e tla thabisang setshaba kapa hona ho se utlwisa bohloko bo sa tswang madi. Ruri ho ba boemong bona ha se papadi. Le ha ho le jwalo re a tjho re re, tsela tshweu ho bafu ba rona ba re siyang re sa labella, mabaka a fokola ho ya ka kutlwisiso ya batho HA DI EME DI BOTSE EYA KAE BANENG?
Ntumelle ke hlalose hore lefu kapa lepato la Lerato le ile la ba leholo ho feta mafu a kileng a eba teng motseng oo. Lefu leo la hae ya eba thuto ho setjhaba ka kakaretso hore bana ba lokelwa ke ho hlokomelwa ka hohlehohle, ho sa natswe maemo a bophelo. Kgotso le kgutso tsa thobela lapa leo la Mafisa. Ha sala feela bodutu bo kopaneng le tlholohelo ya Lerato. Ha ho bonolo ho lebala ka motho eo e neng e le thatohatsi ho wena.
Ka molao hothwe ho ba teng ha dintho tse tse amahanngwang le ketso ya tloho ya molao, ha ho ka ke ha nkuwa e le bopaki, pele di ka hlahlojwa ho latela tsamaiso ya molao ka kgotla. Ha ho le tjena Mosotho o ye a re di tlohellwe mme di tla bonwa mohla kotulo.
Dipotso e ne e le lethathama feela hoo tse ding di neng di iphetha di sa tswa iphetha hoo qetellong paki ebileng ya hana ya ba ya dumela ka ho ferekana. Qetellong ya ditaba ho ile ha hlaka hore Boreki o ne a sa tsepamisa pono ya hae ho Mafisa, hobane nako eo a kenang ka yona o ne a ntse a thusa ka ho ngola setatamente sa monna e mong ya neng a bonahala a lemetse ha bohloko. Ho boetse ha hlaella hore Boriki le yena ke e mong wa batho ba ileng ba baleha ha ba bona Mafisa a fihla a beha sethunya seo.
Le teng lekgotla le lona le lokela ho ela hloko hore motho o be a ile a susumetswa ho tloha kae ho fihlela kae. Ruri ha taba di le tjena, pina mona e binwa ka dinoto tsa kgotla, ke phetho ke tu! Le ha batho ba ka itlatlarietsa, qeto yona e tla nkwa ke lekgotla. Batho ba sa dumellaneng le qeto eo ba ka fuwa monyetla wa ho etsa boipiletso lekgotleng le lokelang.
"Mohlomphehi ya kgabane ha eba ke utlwile hantle ho latela tlhaloso ya hao, o bolela hore o ke ke wa paka hore moqosuwa enwa e leng Mafisa ke ena ya bolaileng Mafenetha " Ke Mathobisa a tonetse paki mahlo a sa panye hohang feela, a emetse karabo ya hore: "Ee kapa tjhe" Ntumelle ke tjho jwalo manghadi hobane ke mona ha ke sa hopola dintlha kaofela. "A inehela jwalo a matha metsi a re tee! Ke mofufutso. Motjhotjhisi a fetoha, a ba motsho tsho! Ke kgalefo ha paki e inehela hore ha e a bona hantle hobane ha tjha ha tima. Ha taba di ferekane tjena o no tseba hore o a thoba mora Mathobisa o bula mamati a tjhankana jwalo ka lengeloi Gabariele?
Ho setjhaba, e ne e se ho re motho eo ke mmelaellwa. Ho bona ke yena ya molato, mme o lokelwa ho fenyehwa le hoja kahlolo ya lefu e fedisitswe naheng ka bophara.
Qetellong ya ditaba Mafisa o ile a fumanwa a le molato wa polao ka sehloho. Eitse ha a fuwa monyetla wa hore mohlomong a kope pebofatso ya kahlolo ka hore a se ahlolelwe bophelo tjhankaneng, ke ha a bua a sa lobe letho hore le ha eba a ka shwa, ha e le Mafenetha yena ha a batle ho mmona.
Heee, mehlolo ke dinoha mesenene ke batho. Mminathoko o re eitse ha lefatshe le wetswe ke lefifi la dibe Modimo, a roma Jesu. Empa mehla ena e ka tsela e nngwe hoo ke sa kgolweng hore Jesu a ka tla hape. Utlwa mohlolo wa taba ke ona. Ruri ya ka toro tsebeng tsa batho. Ba se ke ba dumela seo ba utlwang se bolelwa. "Ntumelle ke thatolle toloki ena ya dihlabi ke e behe phatlalatsa hoba nna ke ne ke le moo." Mafenetha wa senokwane, mmolai, mohanyapetsi, sekweta, phoofolo, o tswile toolo kgotleng la dinyewe le pele nyewe e ya kae kapa kae. Ditebello tsa setjhaba mmoho le tsa Mafisa tsa hore Mafenetha o tla lokelwa ke ho fanyehwa, tsa fetoha mafeela a mafeela. Jwale tsa hlaha dipelaelo tsa hore ho hlile ha bonahala ho tloha kgale ho re lekgotla ha le na nnete kapa le hloleha ho fumana nnete le moo setjhaba se utlwisitsweng bohloko teng. Ruri ena taba e ne e hle ya bonwa kgale ke wa ntekatekane hore nyewe ya nna ya kgutlisetswa morao hoseng le mantsiboya, lebaka ke eng?
Mmalerato o ne a shebahala a fokotse habohloko. Sa ho qhalwa, sa ntsha mantswe a bohloko ho Mafisa.
Ha motho o eya kapa o romelwa ho sena sebaka, o ipotsa ntho di hana ho fela hore ebe o tla kgutla a tlo sebeletsa bana le mosadi wa hae na E mong a re ebe o tla kgutla ho ya iphethetsa ho bao a leng moo ka bona kapa tjhe E mong yena a re ha a sa hlola a tlola molao bophelo bohle ba hae?
Bonnete ba ditaba ke hore Mafisa ho latela histori ya bophelo ba hae, o ile a hlahelwa ke ditsietsi tse ngata haholo tse ka nnang tsa ba ke ka tsona a ileng a qetella a bolaile Mafenetha. Ntho tseo re di bolelang ke tse kang lefu la Lerato la Mmalerato le lena la Mafenetha o ne a ka amohela ditlhaloso tsa ngaka. Ha jwale e ne se e le nako e telele haholo hoo a seng a bile a hlahella ka ho inehela. Ruri ena taba ya hla ya eba tshitabadimo hoo moahlodi a bileng a e rekota fatshe e le hore a tle a ke a yo hlahlobisa hantle ho latela tsebo ya hae ya molao.
Ntho ya hore o ne a hatela hodimo a halefile ya ka jwale e tshelwa le ho kolobiswa ka metsi hobane Boriki a ile a baleha ha a bona sethunya. Le sethunya Mathibe o ne a se a se nkile le ha ho ne ho sa hlaka ho re ebe o se nkile kae, hodima tafole kapa ho Mafisa na Le mona lekgotla le ile la boela la bontsha ho ba le kgwaonyana kapa ho se hlake hantle. Sethunya seo se ne se na le lengolo la teng la molao hantle?
Tse ding tsa tse ileng tsa etsahala mohla nyewe ke tse latelang: Molao naheng e nngwe o sebetsa tjena, ha ho ka e nngwe o sebetsa ka tsela e fapaneng. Ruri e ne e le morearea feela kgotla moo setjhaba se batla ho hlasela Mafenetha le ha se ne se mo tshaba. Ha a ntse a leka ho baleha setjhaba, ke ha boraditaba le bona ba ntse ba mmotsa hore o ikutlwa jwang ha e le moo a hlotsa nyewe. O ne a arabela ka dikarabo tse fapaneng ho bontsha hantle ho re ha a kgolwe ho re nyewe eo e fedile. "Nna ke tsamaiswa ke molao. Ho re ho etsahetseng, neng, kae, eo ha e battle nna. Molao o bontshitse hore ha ke na molato. Ha ho seo nka se etsang nna" Le ha a ne a realo ka makoko, botebong ba pelo ya hae o ne a tseba hore lefu la Lerato le tla botswa matsohong a hae mohla a shwang. Mohlomong wa moo molao o fapane le ona wa lefatshe lena la batho ba nama le madi.
Haele Mafisa le mosadi wa hae Mmalerato, bona ba ne ba hodisa bana ba bona tlasa thapelo le ho tshaba Modimo. Ka mehla pele ba robala ba ne na ye ba kope lerato ho etsa thapelo ya Ntata rona ya Mahodimong. Ruri bana ba ha Mafisa, Tlhahlamatjholo, Rammoloki, o ne a ba file mpho ya bohlokwa ka ngwana enwa, Lerato.
Ha bophelo bo ntse bo eja ka sekaja, botsofadi bo re behile marebele, ditshika di re thobela, diponono di thobelwa ke botle, la fihla leo ka lona Mathibe le yena a ileng a nkiswa kano lekgotleng la dinyewe.
A inamisa hlooho e sehlothohadi a ntse a re: "Modimo, nka bophelo ba ka." Ho jwalo ka mehla ha mathata a pokile. Motho o bona lefu e le lona tharollo.
Ha matsatsi a ntse a eja babedi ho se motho ya tshwarwang, ke ha Mafisa a ipolella ho re ho tla ba molemo ho yena ho inehela sepoleseng hobane mona ha ho tema e kgathwang. Mohlomong o ne a kgannwa ke letswalo le hoja a e ntse sena ka maikemisetso. O ne a lokela hore ebe o phela ha monate hobane o phethile thato ya hae. Empa yaka pelo e ntse e tletse makukuno. Mona le mane a hopole ho ya kopana le pepeduma ya ngaka ya Mosotho pele a ka inehela sepoleseng. Kwana ho ne ho makatsa hobane e ne e le morapedi e moholo ka nako e telele. Ha maemo a le tjena motho o a ipotsa hore na e ne e hlile e le modumedi wa nnete kapa e le phokojwe feela ka hara lekoko modumedi wa nnete kapa e le phokojwe feela ka hara lekoko la nku.
Ka mora dihora di se kae feela, hoba ho utlwahale ka tsa polao eo e sehloho, sepolesa se ile sa tlola matjato ho sala menyenyetsi morao.
Ruri kgotso e ne e le ntho ya maoba le maobane ho yena. O ne a dula a tletleba a sa kgone ho teela. Pelo ya hae e ne e mo hlokisa phomola. Ka tjhebo ya mahlo feela, o ne a bonahala hantle ho re ke motho wa pelo ha a none. O ne a fokotse mmeleng, le makgethe a ne a hae a ne a mo thobetse. Ra bona feela ka lebelo la vene e neng e fata e kuputsaka marole ebile e ilo tlolella tlaase mane moo banna le basadi ba thojwang letshweya teng, hore ho senyehile.
E nngwe taba ke ena...
Hoseng ha letsatsi leo, ke ha mohatsae le ngwana ba tlile ho tla mmona. Le diphoofolo tse kang tsona dinyamatsane tse kang Mafenetha, di na le madinyane kapa bana ba hlokang lerato le tlhompho ya botswadi. Hang ha a teanya mahlo le bona ya eba diboko ka hohle. Ho bokolla Mafenetha, mosadi le ngwana.
Banna ba sepolesa ba neng ba tlo fana ka bopaki nyeweng ena, e ne e le lekonstabole Boriki le sajene Mathibe, kakapa ya ho ratwa ke setjhaba boholo.
Eitse hang feela ha ba kena moo tjhankaneng ke ha molebedi a rohaka motho ka mmae le ho mo tseba a sa mo tsebe. Ha ho hlake hantle ebe boitshwaro bo tjena ke karolo ya mananeo a tlhabollo kapa the. Mafisa wa batho ba mo kgarametse kwana ha bohloko a ba a otla ka seholoholo. Ha e mong wa batshwaruwa a leka ho bontsha ho sa kgotsofalle seo, ke ha a rohakwa ka mmae a kentswe monwana ka nkong ke molebedi eo. Ho ne ho sa hlake hore e ne e le wa morabe o feng. Ke realo hobane ha re bue ka merabe mona empa re setse Mafisa morao tseleng tse thata tseo a tsamayang ho tsona. Mafisa o ne a tlenne feela ho bonahala hore o utlwile bohloko; empa ba mo phamola feela ba mo shobile ka diaparo a ba a eme tswe!
Letswalo la hae la mmolella hore o lokela ho ikisa sepoleseng a yo 'ithipota' hore yena mmolai eo sepolesa se ntseng se mmatla. Pelo ya hae ya dulela ho lwana le maikutlo a ho re o tla ya neng sepoleseng hobane mmelaellwa o tla be a bolawa a shwele ntho eo a sa e etsang.
Ngwana a jewa ke haretsebe hara motse hoja setjhaba e le matletsentletse. Mmalerato le monna wa hae Mafisa ba kena sepetlele ho le bodutu ba sulafalletswe. Le ho ja ho le thata, ho le bosula jwalo, bophelo bona bo ntse bo tswela pele jwalo ka maoba le maobane.
Bofentefente ha ba sekhweshemetsa ba ya ba re: if diplomacy fails Then force must be applied?
Empa jooo"Ntate moruti! Moruti! Nke ke be ka kena lebitleng pele ke phethetsa lefu la ngwanaka mmoho le la mmae. "Ha a realo o sosobantse sefahleho, a tswehletse makweba ho bonahala hore o halefile.
Mona le mane batho ba kelello di hlaphohetsweng, ba ne ba ntse ba mo tshedisa. Ha bang bona ba ne ba hatella hore Mafanetha enwa o tlameha ho tloswa hara setjhaba.
Ha a utlwa le tsa botahwa ba bona di hlahella moo a inahanela feela ho re mohlomong ho se ho le teng ya tlang ho paka ka tsa botahwa ba bona mohla letsatsi leo la polao. A qetella a buile ntho tse sa botswang ho yena tsa ho re ba nwele hannyane feela mohlang oo. Eitse ha a utlwa kgatelo ya dipotso tse matla ho tswa ho mmuelli ke ha a kgetha ho inehela. A bua jwalo ka motho ya shwang. A amohela hore bonnete ba ne ba nwele ebile e ne e le bosiu ha tseo di etsahala. Jwale ya qala ya heleha nyewe motho a shwa batho ba shebile, empa qetellong bopaki ba hana ho kopana.
Ere ka ha mmuso ha o tate, nyewe ena e ile ya boela ya busetswa morao hape. Ha Mafisa a utlwa hore nyewe e buseditswe morao ke ha a shoba Mathobisa ka diaparo a mmolella hore a itshole nyeweng ena hobane o moja nako. Le yona ena taba e ntse e supa hore hlooho ha e so loke hantle. Le ha ho le thata hakaolo lekgotla ke lona le tlang ho nka qeto. Ditsietsi le mathata a lefatshe lena ke diphephetso tse batlang hore motho a kene ho tsona a sa hetle morao. Bophelo bo tletse diphephetso tseo ka tsona re ka bontshetsang pele ka ho di rarolla. TSELA TSHWEU BASOTHO HA DI EME DI BOTSE... EYA KAE BANENG?
Ntumelle ke tjho hape hore batswadi ba rata bana ba bona, mme ba ba hodisetsa tshabong ya Modimo. O ne a ye a kgonye jwalo mora Mafisa ha a rapela Mmopi wa hae ya fanang ho se tebello ho tswa mothong. Ruri o ne a ikemiseditse ka hohlehohle ho hlaola meutlwa yohle eka bang teng tseleng tsa bophelo ba moradinyana enwa wa hae. Bophelong re a tseba ho re lehola ha le jalwe le aitjala. Empa ha e le dietsahalang tsa lefatshe lena tsona, di iketsetswa ka boomo feela. Modimo o file motho kelello ya ho kgetha le ho etsa ntho tse nepahetseng, empa motho o ikela ka tsela tsa hae tsa ho jala meutlwa e tlang ho ba dihlabi maphelong a batho ba bang. Ha mehla e ntse e fetoha, batho ba fetoha bosiu le motsheare. Qetellong lefatshe le hloka monate, mme le aparelwa ke bodutu Helang batho re ya kae?
Le ha sefahlehong sa hae ho ne ho rena kgotso, pelong teng ho ne ho rena boiphethetso bo sehloho se fetisang tse kileng tsa e ba teng. Tsena tsohle e ne e le mafeela ntho tse ke keng tsa mo etsa mohale kapa morena.
Ha e le Mafisa yena o ne a ntse a idimola kgafetsa ho bonahala ho re ha ana thahasello tabeng tsena. Kwana ho ne ho se seo a ka se buang hobane molomo le ditsebe tsa hae e ne e le mathobisa. Mokubetso wa batho a dulela ho itoma maleme. E ne e le bosiu ha a ka a hlokomela hantle diaparo tseo moqosuwa a neng a di a pere. Jwale ya ba e bakile bohale noha ya metsi, ya kwediaka ka yena ya mo fetola sekomporomae.
Hoseng ha letsatsi la Paseka ke ha Mafisa a tsohella mabitleng ho ena le ho ya kerekeng, a ilo beha majwe le dipalesa mabitleng. E ne e le bitleng la Mmaletrato le la Lerato. Ha e le ho la mang a kang a batswadi ba hae, ona o ne a sa re letho ka ona. Ka mora hoba a etse thapelo e kgutshwanyane, a tswela pele ka ho re: "Tselatshweu Matebele, batho ba ha Kota, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng. Sera sa lona ke se rometse ha maotwanafinyella. Jwale le ntebelle ka nako tsohle hobane ke itokisetsa ho tloha fatsheng lena la ba utlwang. Ha ba sa ntlose, ke tla itlosa."
Tseo tsohle ke tsa bophelo, mme di loketswe ho phetwa ke batho hobane le diphoofolo, dinonyana, dihahabi esita le dikokonyana, di na le mabaka a tsona a ho phela. Ha o le mosebetsing, o lokela ho sebetsa ka maikemisetso. Ha o le sekolong teng, o hle o bale ka matla hore o tle o fihlelle katleho.
Dikgomo Basotho! Sesotho ha se tolokwe. Seho se llile re utlwile mme re tla etsa ka matla ho phethisa sena...
Ka mehla ha letsatsi le tjhaba, le jala mahlesedi a lona hodima lefatshe, ho utlwahala dinonyana ka melodi e monate eo motho o sa tsebeng hore ebe di ithutile kapa tsona di ntse di tshwarane le kenyakenya ya mathata jwalo ka batho na Ho ja di tseba ho bua, re ka be re di botsa mohlomomg re ne re tla fumana le dikeletso?
Ha taba di eme tjena ke hore e nne e be tsela tshweu Basotho. Le ba kgopo tsela ena ba e tsamaya ho ya ka moo ba neng ba sebetsa kateng. Ha eba o ya diheleng le teng tsela ya teng e teng. Ha o eya lehodimong le teng ya lona e teng.
Le ho ja re sa dumellane le maikutlo a reng, hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe ho nwaboloha ho tjena ho kgentsha setjhaba hoo qetellong se ka iphumanang se hetse sa ba sa itlamela.
"Ee, ngaka Semamedi. Ke kopa hore o ke o bolelle le hona ho hlalosetsa lekgotla lena le kgabane hore o hlahlobile moqosuwa enwa, neng kapa ka mora nako e kae mofu Mafenethe a bolailwe." Ke Mathobisa eo a se a qadile ho kwadiaka, ho hlakana a hlile a lomahantse meno, ho bonahala hantle kelello ya hae ya boqwetha e a roropa jwale. "Ha ke tsebe hantle ka ho otloloha hore ha ke ne ke mo hlahloba ebe o ne a amahanngwe le tlolo efe ya molao. "Ya bua nnete feela ngaka. "Ntumelle ke re ho wena, o hlahlobile moqosuwa ho latela seo sepolesa se o bolelletseng sona, mme wa ikamahanya le sona ntle le ho itshetleha tsebong le boiphihlelo ba hao ba bongaka. O bolelletswe ka hore o bolaile a ba a inehela ha ho jwalo" Ke Mathobisa e le ha a batla ho thoba ka ngaka a yo e dihela dilomong?
Ha a utlwa tseo ke ha pelo ya hae e hlothoha habohloko, haholoholo ha a hopola hore ho bohloko jwang ho ba mmelaellwa diatleng tsa sepolesa. Se tla a kgakgatha hore motho o be o je habore o sa e jala. Ba batla feela hore o dumele molato. Le teng ha o fihla kgotla, lekgotla le boele le qhale newe kgahlanong le wena. Jwale o bone motho wa teng a se a tlalletswe ke naha ho re o tla re nyewe e qhaduwe jwang. Haele fatsheng ka senwamaphodi se monate. Ke sa tjho bo.
"Tjhe bo, monghadi ya kgabane. Nna ha ke tsebe ka tsa ho inehela ha hae. Seo ke se bolelletsweng ke hore o thuntse le ho bolaya motho mme ke hlahlobe maemo a hae a bophelo le hore ebe ho ka ba le ho hong ho susumeditseng hore a etse polao eo. Ha e e dinako tsona ha ke na tsebo ka tsona."
Ho jwalo ka mehla. Monateng ona wa ditemeneng o sa felang moo batho ba reng ba a ithabisa bosiu kaofela, tsa teng ha di monate ka mehla. Lekgetlong lena sajene e kgolo Mathibe o ne a le teng hara mokgopi oo wa sepolesa. Sepolesa se ne se tletse hohle ka ntle le ka hare tameneng moo, ho se motho ya dumelletsweng ho tswa kapa ho kena.
Sena se re bontsha hantle hore tsela ya botlokotsebe ha ho moo e kileng ya lefa motho teng ha e se ho mo lahlela hara mathata a tjena. Hangata ha ntho di tsamaya ka tsela e tjena, eka le bophelo bo a lelefala. Lefu le lona le o pota ka thoko hobane o le eme tseleng. La Malakia ha le tjhaba letsatsi le tlisa thabo ho ba bang, ha ho ba bang le tlisa mahlomola a sithabetsang pelo le maikutlo.
Le batho ba neng ba mo tshehetsa ba ile ba qala ho nyahama ha ba utlwa a bua phatlalatsa jwalo. Dipolelo tseo tse jwalo tsa bontsha ntle ho qeaqeo hore maikemisetso a teng polaong ena. Ha ho le tjena molao o lokela ho nka bohato bo boima ho thibela ho inkela molao matsohong ho sa natswe hore maemo ke a jwang.
Mona tjhankaneng ke mmusong wa dira. Dibatana le dinyamatsane di robala mmoho, ha ho buisanwe, ho shejwana ka la moleka feela.
Ka hlakoreng le leng hothwe mmuso ha o tate, empa le teng ha o sa tate ebe ho tla shwa ba ba kae pele o potlakisa ditaba Ke dipotso di jwalo di feta dikarabo..?
Le hoja pelo tsa batho di ne di le bohloko hakaalo, ba ne ba seretswe ha Mefenetha a ntse a qamaka kwana le kwana jwalo ka ha e ka ha ho a etsahala letho. Ruri sena se ne se bontsha hantle hore o hahlametswe ke moya wa bosatane o sa reng letho ka maphelo a batho ba bang.
Ke leo le fihla Malakia.
Le hoja setjhaba se ne se bona Mathibe eka o se a sireletsa mofu, o ile a paka le ho bontsha ka ho totobala hore ho tloha nakong eo Mafisa a inehetseng ka yona ho ila ha ja mmuso tshenyehelo e kgolo haholo. Le ha ho le jwalo ho inehela ha hae ho thusitse hore sepolesa se rarolle nyewe eo e seng e fupuditswe ka nako e telele haholo. Ha jwale ho ne ho se bohlokwa ho yena ho ka akanya ho re ebe ha Mafisa a tla bolaya mofu ebe o ne a susumetswa keng O ile a kumela lekgotla ka tsa nalane ya bophelo ba Mafisa ho tloha e le modumedi ho fihlela a fetoha ka mora lefu la Lerato?
Batho ba phela ka dikgapha, moodi le menyepetsi ye maswabi hobane lefatshe le jele boya, mme ho dubehile tlasa kgwedi le dinaledi. Hoja dikeledi, masodi kapa tsona dikgapha di ne di tlisa thabo le kgosto, nkabe ke re llang le bokolleng, hore re fumane kgotso ena eo Mmopi a re tshepisitseng yona, ntle ho tefo ya letho. Matsatsi a tjhaba ho fapana ngwana monna. Lena la kajeno le lona, ke le leng la matsatsi a teng bophelong, le nang le dietsahala tsa lona tse monate le tse mpe ka ho fapana. Kajeno lena le hodimo, ke Labohlano motsheare wa matsebuya. Ke letsatsi leo dinwi tsa jwala di yeng di re, Labohlano le hlola Moqebelo, tsatsi la botahwa le se le fihlile. Ha ba se ba tahilwe ebe jwale re tla bona diepeepe masaakokometse.
Ho thata ho motho wa nama le madi ho amohela nnete, haholo ha ntho di le mafekefeke tjena. Lefu le senang mosa kapa mohau, lefu le sehloho la masetladibete le ile la mo nanarela ho fihlela le thoba ka bophelo ba hae.
Ho yena o ne a re o itokisetsa tsela e yang ho bana ba hae le leloko, a mpa a lebetse ho re tsela tsohle ha di tsamaye moo o ratang teng ho ya moo a hopotseng teng. Tsena e sa le dinyane, dikgolo di sa tla. Nyewe e sa tlo komelwa hore ha ho le tje e be tjhaba di maketse. Hoo HA DI EME DI BOTSE E YA KAE BANENG...?
Le ha mora Mafisa a ne a ka rata ho kgorohela wa senokwane, o ne a ke ke a o besa wa tuka. E ne e le sephankgahadi motho eo. Motho o ka ipotsa hore ha ba bang ba kgantsha diphaka hore ba hlekefetse ba bang, ebe ke mang ya lokelang ho tshireletswa Kwana Mosotho o ye a re, ha ho tume dimelala ntshonyana, feela le ba basesanyane ntwa ba a e lwana. Eitse taba di sa le mafekefeke jwalo, pelo tsa bona di ferekane, ke ha nyewe e busetswa morao, ya ba lekgotla le qhalana. Ha a busetswa morao jwalo, ke ha batho ba boetse ba tiisa hore ke ona mantlwantlwane ao ba neng ba bua ka ona. Athe tjhe bo, taba ke hore muso o tsebe ho hlopisa dipaki le bopaki bo teng, hore nyewe e tle e tsamaiswe ka toka?
Ka mehla ho jwalo. Ha o sa fepe molao ka dintlha tse hlakileng ka ho tlala nyewe kapa kahlolo ha e tlo kgona ho ema. Qetellong batho ba qetella ka hore molao tjena ha o tjena.
Eitse hoba a phethele ho fana ka bopaki, ke ha lekgotla le lokolla Mathobisa ho mo hlama dipotso tsa phapanyetsano. Jwale mona ya ka molamu o kopane le tshepe hobane barutehi ka bobedi.
Tselatshweu matebele. Eto lena le le lelele ebile le lekgutshwane ka ho tshwana. Moo ho uwang teng ha ho ke ho kgutlwa. Re tla bona kapa re tla jwetswa ka tsa teng. Lerato ha se yena feela ngwana ya ileng a hlekefetswa ka sehloho lefatsheng lena. Le kajeno lena le hodimo bana ba ntse ba le bothateng ba ditlhekefetso tsatsi le tjhabang le le dikelang.
Ba kwala jwalo e le kgale phokojwe e Mafisa e tshetse moedi. Ha o tshaba o tshabe botahwa le mesebetsi ya bona. Ke realo hobane ka hara ka mono ho bang e ne e le bosiu ba kgakgathisa mahanana. Ba bang bona ba na ba phunkgane habohloko ba bolela ha ba sa batle ho hlahlotjwa ke dintja tsa mapolesa.
Ke kgale jwale re utlwa mona le mane ho re Lerato o shwele lefu le sehloho empa ho sa hlake hore o shwele ka mokgwa o jwang.
Ere ka ha Mafisa mora Morapedi o ne a ntse a le tlasa kgatello ya maikutlo, o bile a ja Mallela ka bohale hoo batho ba ileng ba tshoha hore e be ho etsahalang. Utlwa feela...
Ntlhakemo ya hae ke hore moqosuwa o tshwerwe feela ntle le ho re ho be le mabaka a utlwahalang. Ba tsheha batho ka kgotla. Ba bolela ho re a tla pota eno mmuelli hobane o ne a le siyo moo. Kwana ho ne ho sa hlaka ho bona hore ha a tjho jwalo o batla ho ntsha batshwaruwa tlasa terata ya molao, le ha ho ya ka tjhebo ya batho, ba le molato. Ho boholo ba batho, e ne eka kgotla moo ho bapalwa mantlwantlwane ka taba tsa batho. Ho jwalo kamehla ha maikutlo a phahame.
Ho re Mafisa o a dumela kapa o kopa tshwarelo ho mang, eo e ne e sa re letho ho Mmalerato. Ho yena ntho e nngwe feela e neng eka mo thoba pelo le maikutlo. Ke hore a bone Lerato a phela. Heale eno taba yona, e ke ke ya etsahala fatsheng lena la ba utlwang, ntle le mohla tsoho ya bafu eo re utlwang ho buuwa ka yonaJo! ha di eme di botse...
Ntho e nngwe e bohloko ka ho fetesisa ke ya hore sekgama sa Lerato ho utlwahala ho re se fumanwe ho mmelaellwa eo.
Ha di ne di kgabola ka ho latellane letswapong la thaba kwana, ho ne hore tswee pelong ya boeka. Pososelo e neng e bonahala sefahlehong sa hae eka e ne e supa hore thabo e kgutlile, athe tjhe hoo ha se yona nnete ya ditaba.
Ditshwarelo tseo a neng a di kopa ho mosadi eo wa hae di ne di ke ke tsa mo thusa ka letho hobane o ne a lokela ho jara joko ya hae. Ntho e nngwe e neng e makatsa e ne e le ya hore mmuelli wa hae. Yena o ne a eme a sa sisinyehe ho re Mafenetha ha ana molato. Empa seo e ne e ka mopoto feela hobane Lerato o bolauwe ke yena ho sa kgathallatsehe hore molao o fihlela qeto e reng eng.
Hang ha lekgotla le kena, ke ha ho kena paki e ntjha e leng ngaka Semamedi. Enwa motho e ne ele ngaka ya mmuso e ileng ya hlahloba moqosuwa nengneng, kaekae. Jwalo e ka motho ya phetlileng, a fuwa sebaka sa ho itlhalosa hore ke mang, o badile ho tloha kae ho fihla kae, le hore boiphihlello ba hae mosebetsing oo wa hae ke bofe. Ao, ya bua ngaka ya mmuso e hlalosa e bile e bua le mantswe a thata ho latela tlotlontswe ya bongaka. Le hoja re ne re hopotse ho bona ho paka sepolesa, re ile ra thola re shebella le ho mamela ha ngaka e kgiba. Bopaking ba hae o ile a bontsha ka ha totobala hore moqosuwa e leng Mafisa, ho latela ditlhahlobo tsa hae tsa bongaka, ho bonahetse a bile le kgatello ya maikutlo, le fo ferekana moyeng hoo a neng a ke ke a kgona ho ka bona, le hona ho ela hloko ka ho phethahala tseo a di etsang kapa a di entseng.
Ena potso e tshwana le ya Modimo ha a ne a botsa Kaine hore ngwaneno Abele o kae na Yena a arabela ka hore ha se modisa wa hae. Mmalerato wa batho ke pelo o bile a idibana. Lapa la Mafisa la fellwa ke monate. Thabo le kgotso tsa ba thobela ba sa nahana?
"Ho fedile! ho fedile bo! Badimo ba heso, a matsho Matebele, mpheng matla ke busetse molamu ona sefateng. "Ruri ho thata fatsheng mona, ha mabitla a ntse a kwenya batho a siya diphokojwe morao di ntse di rinya batho ntle ho molato.
Ha a ntse a lobokane jwalo, ke ha sepolesa se fihla se mo sunya sephephetjhana se reng a iponahatse lekgotleng la dinyawe mabapi le nyewe ya polao ya Lerato moradinyana wa hae.
Lefu! Lefu le sehloho la ho nka bophelo ba Lerato le ha a ne a bokolla seboko se hlomolang pelo, Nyamatsane ena ya sekweta e felletsweng ke botho, ya mmolaya.
Tsena ke tsa molao di ba tla beng ba tsona. Le ha motho a ka nka qeto ya hao jwalo ka motho, seo ha se re letho ntle le qeto ya molao. Ba sa tsheha jwalo ke ha mosebeletsi wa lekgotla a boela a kopa batho hore ba kene kgotla hape.
Ho ne ho le thata ka lehlakoreng la sepolesa hobane boholo ba batho mono bo ne bo phunkgane hore shome le boye. Mokubetso le ha a ne a nwele hakaalo o ile a le ka ho hlalosa hore ho etsahetseng hobane o ne a tsamaya le mofu. Ha o mo sheba mahlong, o ne a bonahala ho re o ntse a tshohile haholo le hoja a itshwere. Tlhaloso le pono tsa hae re ke re di tiisa hobane o ne a phunkgane eo motho. Letswalo ke lona le ileng la kokobetsa botahwa ba hae. Mahlo o ne a a ntshitse dinameng ho bonahala hantle ho re ha aphela o photjhotse. Ha e ntse e le morearea jwalo, ke ha Mafisa a natefetswe hoo a neng a tsheha, a iqabola ho le monate. Botebong ba pelo le maikutlo o ne a ipolelletse feela ho re a ke ke a hlola a lla, a bokolla kapa hona ho rothisa keledi. Ho teng o tla dula a tsheha ho fihlela a eshwa. Ebe kelello e hokae moo Motho o ka bolaya motho ebe o thabile o a keketeha ho monate Ya! Ho jwalo kamehla hara dibatane le dinyamatsane. Feela re sa boetse re re: HA DI EME DI BOTSE E YA KAE BANENG?
Ke hantle ha motho a eba sebete ho ya emela melato ya hae, a sa e jarise batho le bokgopo ba bona le ha kajeno ba boetse ba mo latola. Pelong le maikutlong a hae o ne a ipolelletse feela hore le ha ba ka mmitsa mmolai, hoo ha hore teke, hobane o phetheditse bophelo ba moradi wa hae hape, yena o bolaile mmolai wa hae e seng motho e mong ka thoko. "Hee ke tla ba etsetsa mohlolo mapolesanyana ana. Ke tla itshwarisa, be ke ikwalle ho ena le hore ho tshwarwe batho ba senang molato, ba nne ba botswe; ha tjha, ha tima; o ne o le kae; jwang" Ruri ena phoofolo eka e tswile taolong. "Haeba ho kgonahala ke tla ikahlolele lefu ho fele ka nna "Ha a realo a sisinya hlooho ho bonahala hantle hore kgotso le kgutso di mo thobetse. Le ha e le mona ho ntse ho batlwanwa le mmolai enwa, ka mane nyewe di ntse di kena moo ho hlekefetswang bana le basadi teng..?
Empa Mathibe jwale ka lepolesa ha a ka a etsa letho ho thibela seo. Kwano di bile ngata dintho tse ileng tsa hlaloswa bopaking ba hae. Tse ding tsona di ile tsa hanyetswa ke mmuelli, ha tse ding tsona di ile tsa amohelwa.
Moahlodi o ile a kopa hore Mathobisa a ke a hlalosetse lekgotla le ho le beha leseding bohlokwa kapa sepheo sa potso eo ya hae. Moahlohlodi ya kgabane ntlha ke hore moqosuwa ha a ka a hlahlojwa hang kapa haufinyana ka mora lefu leo a amahanngwang le lona. Empa a hlahlojwa ka mora hoba a inehele sepoleseng e se e le nako e telele polao ena e ne e etsahale.
Hang ha tsatsi le feta hloohong tsa mengala, ke ha Mafisa a ntse a lahlela mahlo ho tswa tlaase mane moo Lerato a saleng a potela teng ha eya sekolong. One a lebelletse ka tshepo hore Lerato o tla tloha a hlaha a ntse a akgotsa hlooho, a habile hae.
Sajene Mathibe o ne a lla dikgapha qhiii ha o hopola ka moo a neng a ile a tshepisa batho le ho ba kopa hore ba tshepe lekgotla le tla tla ka kahlolo e amohelehang. Athe tjhee...
Ee, HA DI EME DI BOTSE, E YA KAE BANENG?
"Ya! Athe bophelo ke ntho e jwang "Ke eo potso e batla karabo. Hooo ha di eme di botse; e ya kae baneng?
Ha lekgotla le sa kgefuditse jwalo ke ha Mathobisa a buisana le Mafisa ka thata ho hlakisa tse ding tsa dintlha tseo Mokubetso a pakileng ka tsong. Enwa motho o ne a le bohlale, a le masene a fetang a phokojwe. Dipaki o di tlodisa ho ya kwana le kwana.
Hang ha nyewe e thakgoha ke ha ho qalwa ka yena Boreki eo ho neng ho bonahala hore le ha a le mafolofolo jwalo, kwana o se a fihla sepoleseng mona.
Mafisa e ne e modumedi wa popota, empa kajeno ke nyamatsane o bile o furalletse Mmopi wa hae.
Wena o reng?
Bana ba rona le bona ba tletswe ke botlokotsebe. O tla fumana ngwana a kena a jele ba kgaeyane a phunkgane hore leshome le boye. Tseo re a di bona. Taba ke ho re ba banyane bona na le tshepo le lerato ho batho kaofela, haholo batho ba baholo. Empa jo! haele bontate bona, ke a utlwa ke a tshaba. Ebile ha ke tshabe feela ke bile ke a nyonya. Se!
Butle! tsatsi e se e le la kgotla hape. Nyewe e tla tswela pele ha tse ding tsona di qala ho kena, ka ho fapana ha tsona.
Tseo ke tsa maqetha di tsejwa ke bona.
Ere ka ha letlalo la motho ha le thakgiswe fatshe, pihi ya Lerato e ile ya fihla jwalo ka pihi e nngwe le e nngwe.
Modimo a ko utlwe ke a rapela Modimo o motjha rapela wa kgale, Mmaakane! Jo ho ilwe kae Ho sa keng ho kgutlwa re tlo bonwa Bonkgono ba llela matlala sebele, Matlala ba a bona jwang ba shwele Ba a bona ka paka tsa mabitla Lesedikganya..?
Tjhankane ena e ne e ka ba bo hole ba dikilomitara tse ka bang lekgolo kaofela ho tloha kgotla. Le ha ho le jwalo, mapolesa a e jaha hampe feela ba sa natse le hore ba palamisitse batho. Teng moo ho ne ho phethesela ke banna, basadi le batjha ho tswa dipaneng moo ba neng ba sebetsa teng. Jwale ha ba kopana le bana, e ne e ba feko. Boholo ba bona e ne e le makejakejane a ka bang dilemong tse mashome a mabedi ho isa ho a mararo ka ho fetana. Mona le mane ho ntse ho ipetsa ditjhetjhefa tsa banna ba kang Mafisa. Le ha ho le jwalo o ne a se a tlotse mashome a qadikaneng a dilemo.
O ne a ferekane pelo le maikutlo a ikutlwa a wele seriti hobane a ne a qala ho tshwarwa haesale a tswalwa. Hara mokgopi oo penyeleditsweng ka mora vene, ho ne ho le teng mosadi ya neng a pepile ngwana e monnyane wa lesea. Mosadi eo e ne e le sephoko, a kgelekenya ho bontsha hantle hore o bo kgile ka mpa, ebile ha a kgathalle ho tshetjwa. Ngwana eo o ne a lahlile molala ha bohloko feela empa ho se motho ya reng letho ka seo.
Botebong le maikutlong a hae o ne a lakaditse ebile a rapela hore Lerato e be ntho e kgolo setjhabeng sa habo. E be lebone le tlang ho kgantshetsa setjhaba hore se tsamaye tseleng tse ntle tsa ho rata le ho hlompha Mmopi.
Mathobisa a etsa e ka ha a tsebe letho ka tsa Lerato athe o di di tseba hantle. "Mphe taba monna ke tsebe ho kalla nyewe ena." "Ke ne ke phethetsa lefu la moradi wa ka lerato. O batlang hape?
Eitse ha ba le bohole ba maoto a ka bang tshelela feela ho fihla koloing, ha senyeha, ha dubeha. Sa kgabola sa latella thaw, thwahh, thwakgathwakga Mafenetha o ile a tlolela hodimo hanngwe feela ya re ha a wela fatshe ya be e se e le maobane.
Maobane ha lekgotla le qhalana batho ba ne ba ena le maikutlo a fapaneng mabapi le nyewe ena. Ba bang ba ne ba re Mafisa le yena o lokelwa ke hore a lokollwe hobane le mafenethe o ne a lokollwe hona lekgotleng lena la molao. Batho ha ba kgone. Ke re le ha ho ka ba thata ha eba boima jwang kapa jwang, ha ba kgaotse ho sebetsa ditaba tsa bona ho ya ka maikutlo ao kajeno a phahameng ha hosane a tsoha a theohie. Ho sebetsa ditaba ka maikutlo ho senya bopaki hobane kaekae motho wa teng o iphumana a fetelleditse dintho, ebe moo nyewe di putlamang teng.
Le hoja Mafisa a ena le ditakatso tse ntle hakaalo, mehleng ena batho boholo ba ikgethela lefifi ho feta lesedi.
Ngaka Semamedi a tswa a thonkgehile maikutlo ka lebokosong la bopaki ho bonahala hantle hore le yena ke motho wa maikutlo. Le ha ho le jwalo lekgotla la mo leboha ha a e ntse boikgathatso ba ho tla beha lekgotla leseding mabapi le tsa bongaka.
Le ha batho ba dula ba kgupisehile malapeng hoo ba hlokang le motsotswana feela wa ho ka bontsha lerato baneng, ntho ena ha e a loka ebile ha e amohelehe. Mane koting sa borata ke moo batho ba thabang teng, le ho bina o tla utlwa ba kgitla dikodu ho le monate, feela malapeng teng bana ho lla mala kokorrr ke tlala. Hang ha motho a fihla lapeng, o tla bona ka bana ba kgikgitha ka dibotlolo tsa majwala ho ya ditameneng. Shu! Ha di eme di botse. E ya kae baneng........
Ha e le Mmalerato mosadi wa batho, yaka a ka shwa ha a a bona Mafisa a sa bonahale ho kgutla le ngwana.
"Mafisa ngwana monna, haeba ke thato ya Modimo ena, ha re tlohelle tsohletsohle matsohong a hae." Ho realo moruti wa hae ya neng a bonahala a ena le tshepo ya hore Mafisa otla amohela.
Ha e le mmelaelwa, yena o ne a ntse a le ditlamong a eja a kgora ho tloha mohla a neng a tshwarwa. O ne a nkuwa a le kotsi ho feta batshwaruwa ba bang. Setjhaba se ne se llela madi a hae hoo ka nako e nngwe se neng se leka ho mo tshella tjhefu dijong. Le ha ho le jwalo sepolesa se ile sa hla sa hanana le hore a fumane dijo tse tswang kantle ha tjhankana.
O ile a hla a ala leleme phate ho bontsha hore o a mo tseba ha a mo utlwe ka bobare. Ho ya ka yena Mafisa o bolaile mofu e le ha a iphetetsa mabapi le polao ya moradi wa hae. Eka o ne a ikane pontsheng ho Mathibe hore ha e le Mafenetha yena o tla jewa ke haretse.
Mafisa le yena jwalo ka motho wa nama le madi, o se a fetotse mereto. O tlohetse le ho itela bodumedi. Ke enwa le yena o kene mabeleng. O tsamaya ka tsela ya bohle le yena. O bo kga hore bo kgaohe moo ho kgwehlang. Pelo ya hae e ne e se e batla e kokobetse le hoja e ntse e fupere mashala. Tsatsing lena o ne a sa nwa haholo jwalo ka mehleng. O ne a kgashaditse hannyane feela.
Le ha e le mona diphephetso e se mathata, ho boima ho thata ho ka di rarolla haholo ha e mong a hulela kwana, e mong yena a hulela kwana.
Ruri fatsheng lena la heso la kgotso tsa teng ha di monate kamehla. Matsatsi a monate a feta a potlakile hoja batho re sa natefetswe ho le monate. Empa ha e le a ditsietsi ona, a tlisa mahlomola, masetladibete, masaakokometse, meferefere le merearea, a hata kwekwe hoo letsatsi ka leng ekang selemo kaofela. Ha a ntse a lelefala jwalo, eba ditsietsi di tla o hlwa setha o fumane motho a le moputswa pududu! a sa tsebe hore o nka eng a e kopanya le eng. Le ha e le mona re matha, re kgikgitha ka mora Mafisa le nta tsa kobo ya hae, ditaba di teng tse ngata, tse bohloko tse ntseng di etsahala tlasa letsatsi. Mosotho o ye a re: "Tsa rona di a pepeswa ha tsa ba bang di patwa." Empa mona ha se hakaalo ho matha le ho pepesa mathata a tobileng Mafisa. Ho bohlokwa mona ke ho pepesa tlhekefetso e jelang setsi ya bana le basadi ba hlokang matla a ho itshireletsa ho bontate bana ba iphetotseng dinyamatsane.
Ha taba di eme ka mokgwa o tjena, motho o sitwa ho supa hore molato kapa ya ka jariswang sekodi sa lefu lena, ke mang. Haesenoba ke mmolai wa hae feela. Ako utlwe "Mafisa, Mafisa moleko towe wa monna, o hlolehile ho tshireletsa bophelo ba ngwanaka. Ha o motho o ntho esele. Ke a o nyonya."
Mafisa monna wa batho, ntokolle ke sale Lerato morao.
Ka mehla ha e qala e re: 'Kete keteu' Kete keteu! mme Lerato a tswa a letipatipa a jere dibuka tsa hae ho ya sekolong, o tla titima jwalo a sa hetle morao ho bontsha hore o rata sekolo ka pelo ya hae yohle. Mehleng ena ho monate dikolong hobane leswai le thibetswe ka molao. Le ha ho le jwalo. Mona le mane le ntse le fafatswa ho thibela botlotsebe baneng.
Makgotla le ona a ntse a leka ho fumana hore batshwaruwa ba molato kapa tjhe le ditlhekefetso tsa bana le basadi di ntse di ja setsi metseng. Banna ba fetohile ho hang ba ikentse diphoofolo.
Ena ha se yona taba. Taba ke ena Ha ba ntse ba etswa jwalo ka bonngwe ka bobedi ka boraro, ba ne ba ruruhisa pelo ya Mafisa habohloko. Ho ne hore a kene ka tlung ka mono a ba thwathwaretse kaofela ho fele, a otlelle nonyana le sehlahla. Mafenetha o ne a se a le monate wa dinotshi ke tahi le leleme le se le thella ha a re o a bua.
Mafisa o ne a lomahantse meno ho re yena nyeweng ena ya hae a ke ke a buellwa ke leqwetha la moshanyana le ntseng le nkga lebese ka dinkong. Ho yena ho buellwa ha se ntho ya bohlokwa hobane le ho dumela o a dumela ho re ke yena ya bolaileng Mafenetha. Jwale ha a bone bohlokwa ba hore a nne a itene ka ho buellwa ke bashanyana. Le mafenetha o ne a ntshuwa ke lona leqwetha leo. Hantlentle e ne e le moadvokate ho latela dithuto tsa hae tsa tsebo ya molao. Mehleng ena mmuso o entse monyetla wa hore ho be teng babuelli ba patalwang ke wona ha ba emela batho. Sena se thusa haholo tsamaisong ya molao ho bona hore motho ka mong a be le moemedi wa molao nyeweng efeng kapa efeng. Nyewe ya Mafisa e ile ya kgefutsa kgafetsa e le ha mmueli a leka ho mo hlalosetsa bohlokwa ba hore a mmuele. Le ha a ne a lomahantse meno a hana hehehe! o qetelletse dumetse hore a tswele pele ka nyewe. Tumellanong ya bona ebile hore o tla nne a nke dikeletso ho yena haeba a hloka tlhaloso e itseng. Mmuelli enwa wa Mafisa e ne e le monghadi Mathobisa. O se a ne a thobise ba bangata a ba ntsha molomong wa tjhankane e lefifi.
Le pele Mathibe a theoha ke ha ho tjang hona ho se ho kgwaphohile ho potlakela ho yena. Mathibe a ipotsa hore ha a tla a kgorohile tje, ebe o se a tlilo tla reng.
Ho tshwarwa ha mmelaellwa enwa e ne e se hore jwale setjhaba se re ho bolokehile hore bana ba boele ba itsamaele feela ntle le tlhokomelo ya batswadi mmoho le sepolesa sa rona. Mohla letsatsi la nyewe, batho ba ile ba tla ka makaka a manamane pelo di le bohloko, ba bile ba tletse boiphethetso. Ba lakatsa ho mo tshwara ba mmehe matsoho ho mo ruta motlwang wa pula. Baqolotso ba ditaba le maqwetha, ba ne ba feralla jwalo ka dinonyana. Dikhamera di ne di phatsimakaka ho nkuwa dinepe tsa batho mona le mane.
Ha e le Mafenetha yena, o ne a lebetse tsohle a eya hodimo le tlaase le metswalle e tshwanang le yena. O ne a sa hopole hore ha a ntse a eya hodimo le tlaase jwalo, ho teng maraba antseng a tjhehelwa.
Mona le mane ho ne ho hlakile ho re mmelaellwa eo e ne e le nonyana ya ntlwanatshwana. O ne a tsebahala ka ditlolo tse mpe tsa molao dibekeng tseo. Dipolao, dipeto le ho tshwara pooho, e ne e le mesebetsi ya hae.
Nyewe ena e ile ya kena ka tsela e sa tlwaelehang. Ke hore e ne e fuwa nako e itseng empa ke ha mmuelli wa Mafenetha a hatella hore e kene. O etelletswe hore ho mmeha ditlamong ka nyewe e tjena, e tla be e le ho mo hlekefetsa. Ho sa kgathalatsehe hore o entseng, bopaki bo qheletswe ka thoko ho latela ditsamaiso tsa molao.
Ruri e thata ena taba.
"Kena!" A arabela ka lentswe le bohale la motho ya sa batleng ho tenwa kapa hona ho kgathatswa. Eitse hoba ho se be le motho ya kenang, a phareha Bibele kwana. Yaba o namathollo dinepe tsa Lerato a ntse a di suna ka bonngwe le ho di beha mmoho. O ne a ntse a bua a be a tshehe a le mong jwalo, le hoja ho sa hlaka hore puong ya hae o ntse a reng.
La ha Mosotho a ye a tiise ho re taba di mahlong, mona e ne e le nthho e nngwe esele. Ka nako e nngwe ke bo menomasweu ba o bolayang ba tsheha.
Eitse ha a fihla ho ya Mafisa, ke ha a bitsa dipaki tsa sepolesa tse tlo paka. Ha ba ntse ba re homohomo moo, ke ha Mathobisa le yena a ntse a buabua le Mafisa. Kgetlong lena o ne a apere sutu e ntsho le sehlotho sane sa moriri a se kutile. Le ha ho ne ho bonahala mona le mane ho re ba utlwane hantle, Mathobisa yena o ne a ikemeseditse ho mo ntsha nyeweng ena. Tsena tsohle di susumetswa ke kgohlolerwana moketleng haholo ha e le mona ho lefa mmuso. Fatshelng lena la rona ho ntse ho le teng dishweshwe, mahaladitwe le ditshehlo ka ho tshwana. Ka hore thabo le maswabi, kgotso le kgutso, bosiu le motsheare di tla dula di le teng ho sa natswe hore bophelo bo o tshwere jwang moo o leng teng.
BoMafenethe le Mokubetso ba tswa ba tshwere botlolo tse pedi, e mong le e mong a enwa ya hae. Yaka ba ne ba tseba hore e mong o tla falla, jwale a hle a bo nwelle le tsela ho ya moo tjhaba di fellang teng.
Ruri ha taba di eme tjena o ne o ka mo qenehela hobane jwale le kgatello ya madi e ne e phahame ha bohloko. Ee, a sa ferekane jwalo, ke ha Mafisa a kena mahlo a tletse dikgapha, a matha mofufutso eka o a lelekiswa.
Hang ha a phahamisa hlooho, ke ha Mmalerato a boela a bua le yena ka lentswe le fatshe, ka moya o weleng ruri. "Mafisa weeee Mafisssa... ""Bua ke mametse mohatsaka. "Ho realo Mafisa ahlahlabaditse moriri. "Mafisa, o sale o behile ditaba leihlo ka hloko e kgolo, mme o lwane senna. O se ke wa phomola ho fihlella Mafenetha a shwa. O sebetsane le... "Hang feela, anehela moya, ya ba ke tshomo ka mathetho. Mafisa a bokolla habohloko kgutsana. Seboko sa hae sa tlala moaho. Ya eba morearea feela ha baoki ba leka ho mo thodisa. Le ha ho le jwalo seboko seo sa mahlomola se ile sa fela. Sa feta jwalo ka letsatsi le tjhabang le dikela hodima lefatshe. Mmalerato wa batho le yena a tsamaya ka tsela ya bohle ho ya Badimong. A patwa ka tlhompho, mme mmele wa hae wa phomotswa ka kgotso nqalong ya bafu ya motse.
Ho halefela ha Mmalerato le ho potlaka ha Mafisa ha se ke ha thusa ka letho. Ha ba jwalo ka ha eka ba aha serobe phiri e se e jele. Yaba moya wa Lerato, shweshwe, mohaladitwe, thatohatsi, o se o tswile nameng, mme ka ona motsotso o se o le Badimong. Ho etsahalang HA DI EME DI BOTSE Ka ho panya ha leihlo, Mafisa a phamola sethakgilane sa hae a nto kena tseleng ho ya batla Lerato. Ao, Lerato a e baka taba. O ile a qala sekolong moo Lerato a kenang teng. Ka bomadimabe ya na ya eba hore o ne a le teng sekolong empa ha jwale ha ho na ngwana moo. Ha a utlwa tseo, a ferekana habohloko pelo ya hae e ileng ya ya mafisa?
Mokubetse o ne a tsamaya ka koloi e boima ruri. Empa ho na ho makatsa hore e ka re motho a sa sebetse, ebe o palama koloi tse mabekebeke tjena ntle le hore esenobola ke senokwane le yena. Siung boo o ne a palame X5 ya dinomoro tse latelang ZZZ 435 GP.
Enwa motho e ne e le tsotsi e mona eo hothweng ke ya matarapane. O ne a utswa ho ya kwana le kwana a sa tshwarwe. Ba tswa jwalo mokgodutswane ba o fahla bohlaswa ba sa natse letho hobane e ne e se e le bosiu jwale.
Hela, ha di eme di botse. E ya kae baneng Se seng sa dinui se ile sa hatella ntlha ya ho re ha eba molao o le lenama ho sebetsa, o tla susumetsa setjhaba ho itlhaolela lehola lena ka tjhofa le sepannere. Ho neng batho ba emetse ho bona ha toka e phethwa feela nyewe e ntse e busetswa morao tsatsi le tjhabang le le dikelang?
Le ho ja ho le thata, ho le boima, molao o re ditokelo tsa batho di lokelwa ke ho tshireletswa ka hohlehohle ka moo ho ka kgonehang ka teng. Hore molao o sebetse kapa o bonahale o sebetsa , ho hlokeha banna le basadi ba tlang ho itela, ba nke kano ho o phethahatsa.
E re ka ha ho lla e ne e se e le tlwaelo ho yena, o bile a re: "Modimo wa dikgutsana a ko mpe o amohele moya wa ka hle ke a kopa. Makukuno a bophelo bona ba hao, a ntshithabetsa maikutlo, mme ha ke sa kgona ho ka mamella ho feta mona."
Beke le beke o ne a eya ho ya hlwekisa mabitla a mabedi feela, e leng la Mmalerato le Lerato. Ha e le ana a mang ona a a tlola hodimo feela e ka ha a tsebe hohang feela ka ona.
Tsena tsohle ke diabanneng. Mosotho o re ho robala ke ho fetoha. Jwale ke lena le fetohile lempetje le leholo Mafisa. O batla ho thaka ka Sesotho ditlhare hore a imele dira tsa hae. Ruri ho hlakile hore methokgo e tletse lefatsheng lohle. Dikerekeng, dikolong, mesebetsing, malapeng, ditameneng hohle mona ke yona feela.
Ha di eme, di botse, batho ba ke ba itekole ba ithole. Setjhaba ke tshepo ya hore molao a o sebetsa. Le kgetlong lena motho a ka phaka hore molao ha o tsamaye ka ho phethahala ho ya ka maikutlo le ditabatabelo tsa batho.
E mekgutshwane ho feta lentswe kgutshwane. Ba bang ba bona le ha ba kene moo ba ne ba bonahala ka mangole le dipotongwane ho re tshiu di se di ile. Banana ba kgantsha dithopola ho hohela banna ba mona ba hlolwang ke ho itshwara.
Ha letsatsi leo la Malakia le fihla, la fihla hantle jwalo ka matsatsi a mang a ileng a fihla aba a feta, ha fela ka ona. Pele le fihla ke ha Mafisa a eme setupung sa ntlo a ntse a qamaka kwana le kwana jwalo ka motho ya lebelletseng ho hong. Botebong ba pelo le maikutlong a hae, o ne a ipotsa hore ke hobaneng Ebe molemo wa ho phela ke ofe ha e le mona batho ba tswalwa ba be ba shwe lefatsheng mona?
Hona ho ne ho bontsha hantle ho re batho ba rona ba sa ntse ba ena le kgaello ya hore makgotla a sebetsa jwang. Makgotla a dinywewe a sebetsa le ho tsamaiswa ho latela melao le melawana ya naha, eseng ho latela maikutlo le ditabatabelo tsa batho ka kakaretso.
"Lerato ngwanaka le nlebelle ke a tla. Le jwetse baholo ba ka hore ba ntokisetse bodulo hle ke a kopa." Hang ha a lokela ho boela morao, a bonahale a thohothelwa, pelo eke e lwana le maikutlo hoo a beng a sekisa meokgo.
He, ha o tshabe motho. Mafisa a ipolella feela ho re a ke ke a hlola a lla le ha e le ho rothisa keledi kapa hona ho bokolla. Ho teng ke ho re o tla tsheha a keketehe ha sehwabane se Mafenetha se nehela moya tjhoba le lala phooka.
Lefu le ne le monanarela bosiu le motsheare. Ke realo hobane Mafisa o bile a reka sethunya hobane a bona hore nthwena ke thabahadi ha se leralla, a ke ke a kgona ho e tsitsinya.
"Lekgotla le kgabane, moqusuwa jwalo ka motho, haeba a le maemong ao ke a hlalositseng ka hodimo, ho thata ho ka ela hloko tseo a di etsang kapa a di entseng". Ena taba ke ya ditsebi tse tsebang ka tsa maphelo a batho. Batho ba badileng buka tse nnyane le tse kgolo hoo ba ho tsebang le hore motho a ne e le eng pele e ba motho. Shu! E thata ena taba.
"ako butle hle mohatsaka ke tla "Le pele a qeta puo eo ya hae, Mmalerato a nna a tswela pele ho bua.
Tsena tsohle di ne di hlile di jala pherekano kutlwisisong ya batho. Le ha ho le jwalo Mafisa yena o ne a lebelletse ka tshepo ho bona molao o sebetsa. Boteng ba pelo le maikutlo, o ne a se a qetile ka hore Mafenetha o lokelwa ke palo. Ke hore a fanyehwe. Sena ke se seng se etsang hore re batle hore dintho di ye ho ya ka maikutlo. Mafisa wa batho o ne a etela mabitleng tsatsing le tjhabang le le dikelang ho ya hlwekisa le ha ho ntse ho hlwekile. Mohlomong e ne e le hore ba mo roballe hobane a ne a se a taolong hodima tsohle tse etsahetseng le tse ntseng di etsahala. Ke sa boela ke re tsela tshweu ho bao ba seng ba ile Badimong. Re a tseba ebile re bone hore haho le ka mohla o le mong moo lefu le kileng la eba monate teng, le ha hothwe ke lenqosa le o isang hae lehodimong. Ho ja le o isa o phela, re ne re ka thaba. Mohla letsatsi leo la malakia batho ra bona mehlolo. Ha hlaha mekgatlo e kgahlanong le ditlhekefetso tsa bana le bomme. Ha hlaka jwale hore setjhaba se nkile qeto e ntle e tlang ho se tswela molemo. Ra bona le phutheho ka kgotla ya ba ke ka kerekeng. Le tsona di tlilo tshehetsa le ho bontsha ho re sena se entsahetseng ke manyala ao setjhaba se ke keng sa hlola se a mamella.
"Hiiihiii... Mafisa! Mafisa, wa dulela ho rabaka tje ka kgoho e tjheswa ke lehe, ha o rwale dieta keng o yo batla ngwana?
Kajeno Mafisa o fetohile setsomi, o fetohile phoofolo. Oikgothatsa ka hore monwang o bolaya tlou. Ho jwalo ka mehla hang feeela ha kgotso, kgutso, lerato le mofuthu wa bophelo di o thobela. Motho o fetoha mohlakafollela kapa moleleri ya sa tsebeng moo a yang le moo a tswang. Ke enwa Mafisa e motsho Letebele, o apere nkwe. Ha e le mosa kapa mohau ha ana tsona. Tsatsi le tjhabang le le dikelang o dula a nyoretswe madi a mmolai wa moradi wa hae. Lerato e ne ele mmusapelo wa ntatae le mmae. Ka mehla ha a ne a le teng kgotso e ne e rena lapeng la bona. O ne a tlamehile ho fetoha hobane maemo ao a ileng a phela ka tlasa ona, a ne a tjhesa ho feta sebupi sa mollo. Le yena e ne e le motho wa nama le madi jwalo ka mang kapa mang.
Ha ke hopole ho kile ha eba lefu le monate ha e se ho motho eo o sa mo rateng. Le ha ho le jwalo, le yena, ha ho monate ha a nehela moya. Taba ke ena wa mphato...
Mafisa le ha a se a bolaile phofu ya hae o ntse a sa phetse ho rata bathong bana le motheo e mengata e fapaneng. Ke hka hoo ba bang ba lebalang ka potlako ha ba bang ba sa kgone ho lebala le ha e le ho teela feela.
Le ha ho hlakile mona le mane hore Mathibe o ne a bone ho re Mafanetha ha a tshwarwa ka tsela e phethahetseng ya molao, ho ne ho se ka moo a ka etsang ka teng ntle le hore yena a phethele diphuputso. Ho qosa kapa ho se qose ha se mosebetsi wa sepolesa, ke wa lekgotla la dinyewe. Motjhotjhisi ke yena ya nkang qeto ho latela bopaki bo teng. Lepolesa le lokela ho rwalla bopaki bohle le nto bo beha ka pela motjhotjhisi...
Kaekae ba ne ba amohela ho re mohlomong Lerato ha a sa phela. Ka nqe nngwe ba ne ba sa kgone ho amohela hobane ho esoka ho ba le motho ya ba tlisetsang tlhahisoleseding e jwalo.
Boriki o theohile lebokoseng a tarakane hlooho hoo eitseng ha a lokela ho ya tswa monyako, a ileng a kena ka lebokosong la moqusuwa. Mafisa a re o mo ja a le tala ha ema mosebeletsi wa kgotla a kena dipakeng. Jwale paki e neng e setse e ne e le Mathibe ka sebele. Ere ka ha nako ke sera, lekgotla le ile la tlameha ho kgutlisetsa nyewe ena morao ho fihlela kgwedi tse pedi ho tloha mona.
Ha bo fediswe 'nou'!
Ha a realo a inamisa hlooho a tlalletswe ke naha, ho hlakile ho re ha ho seo a ka se etsang moo. Ho ne ho le hobe! be! be! hoo motho a neng a ipotsa hore hobaneng ha molebedi a lokela ho amohela batshwaruwa le ho ba tshireletsa moo, e be ke yena ya qalang ka ho ba hlekefetsa. Ke ntho eo motho o ka e hlalosang ka ho reng Ka mora hoba ba ngodiswe kaofela dibukeng, ke ha ba fuwa marikgwe a makgutshwane kaofela ho sa natswe e moholo kapa e monnyane. Ho ne ho bata, moya ho foka o mosesane o etsang monna a hule lemina kgafetsa, hlefe! Mafisa wa batho, motho wa ho buswa le ho laolwa ke maikutlo, ke ha a kobile mangwejana a botsofadi a qhaqhasela ke mohatsela hara makejakejane?
"Mathibe; Mathibe! nkwalle monna! nkwalle 'nou'!" "Ke o kwalle hobaneng Ha ke hlanye nna o ntjhebe hantle." "Bona mona, ke nna ya bolaileng mafenetha wa sekatana eo le neng le mo lokolle a bolaile ngwanaka o batlang hape" Ke Mafisa a tonne mahlo a sa tjhetjhe hohang feela. Kelello ya Mathibe ya sepolesa ya mo siya feela hannyane a makaditswe ke ketso ena ya Mafisa. Ka nako ena mapolesa a mang le ona a ne a se a kgutlile ba thehile ditsebe ha Mathibe a ntse a phura leshwetla la Mafisa?
Ho Mafisa tsena tsohle e na e le masawana, ke re mafeela. Neng neng ho ile ha tswa banna le basadi ba matahwa, ho kene makoloing, ebe ba bang ba ikela ho ya ka makgoro le hoja ba nwele hakaalo. Motho o ka ipotsa hore ebe ba mmuso bona ba kae ha ho kgannwa tlasa tahi tjhe Re tla reng hobane ho hlakile hore mmuso ha o tate?
Banna! Eitse a sa ferekane jwalo, ke ha ho kena mohala obolelang hore a phallele sepetlele ka potlako. Ke ho ferekana haholo, ke ha a pshatla hlooho yeo ya mohala fatshe.
Mafisa a sekisa meokgo ha a utlwa tshepe ya kereke e lla e latella. Ee, a hopola hore e ne e le modumedi wa popota, ngwanantlo ya thapelo, empa ke mona kajeno o lokela ho ya tjhankaneng. Dikeledi tsa hae ya eba mafeela a mafeela. Tsa se ke tsa mo tswela molemo le ha e le eng feela.
Ka mora kgwedi di se kae Mmalerato a phomoditswe, ke ha baqolotsi ba ditaba ba etela Mafisa ho tla ho mononya maikutlo ka ho hlokahallwa ke mosadi. Bonneteng, e ne e se yona taba eo. Tabataba e ne e le ya nyewe ya lefu le sehloho la Lerato. Hona e ne e le ho phunya maqeba a seng a fotse. Le ha ho le jwalo, o ne a ba ntsha ka ntshwe di sa fahlwa a kokosile selepe, a loloma ke bohale.
Kajeno lena le hodimo, Mmalerato o kulela tsela. Le hlooho e se e bile e molatola. Mafisa e motsho Letebele, ngwanamoshemane kabelwamanong, o hula ka falese, ho ho putswa fatshe.
Ha motho a le tjena o tseba hore o kenwa ke bophoofolo kapa bosatane bo tla mo etsang hore a etse tse fetelletseng. Ha mathata a le teng motho o lokela ho qoqa le batho ba bang hore a fumane tharollo. Mosotho o ye a re tshwele le beta pooho. Ha o ka e fofela ka matsoho o le mong e tla o lematsa. Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. Ke ya o eletsa wa mphato.
Kajeno lena le hodimo ntho di fetohile. Motho o re ngwana ke wa hae feela. Ba bang ha a ba kgathalle le ha ba shwa kapa ba phela. Hona ha se botho ke bosatane boo re lokelang ho bo fedisa rona batho.
Le ha e ne e se e le nako e teletsana nyewe e na e busetswa morao, o ile a ameha habohloko maikutlong hoo a bileng a rothisa dikeledi. O ne a sa iketse kgutsana. O ne a tseba ho re motho a ka se phele ka ho sa feleng.
E mong wa bona ya ileng a fihla morao a sa kang a utlwa ha Mathibe a hlalosa ntlhakemo ya sepolesa tabeng ena, o ile a ba a qweketsana le sepolesa ka mantswe a reng: Le se ke la nyatsa mosebetsi wa rona le nahana hore wa lona ke wona feela o 'betere' ba mphato wa hae ba bile ba mo tsheha hobane Mathibe o ne a se a ile a hlolosa ka bokgabane se lokelwang ke ho re se etswe.
Ngwana a tsamaya ka tsela ya bohle le hoja a ne a sa le monnyane dilemong, ebile ba habo ba sa lebelletse tse kgolo ho tswa ho yena. Motho ke wa Modimo. Rona re ka se lebelle hakaalo ho tswa ho yena.
A botsa jwalo ka maikutlo a phodileng ho banahala hantle hore o tseba mosebetsi wa ho tjhotjhisa. Jwale a e thatholla toloki mora Mokubetso, a sa phetaphete taba, ho bonahala hore o tseba hantle se etsahetseng mohla monene. Eitse hoba a phethele ho fana ka bopaki, ke ha lekgotla le kopa kgefutso ye metsotswana e se mekae. Eka e ne e le nako ya hora moahlodi a ke a ilo phoka teenyana.
Ruri mona ha ho qellwane ke masiasiane mahlokalebelo, ya senang sekaja mmae a tele. Banna le basadi ba nwa ho ya kwana le kwana. Tseo ba di etsang ha di bolelwe. Poho ya teng e kotsi haholo feela. Motho a nkwelwa tjhelete batho ba ntse ba mo shebile ho se le ya mong ya buang. Le ha ho le jwalo, ke hona moo batho ba ratelang teng. Batho ba mehleng ena ha ba mamelle moo kgotso e renang teng. Madi a bona a batla ntwa nako e kgolo le e nnyane.
Ditokelo tsa bana, ke ditokelo tsa botho.
Maobanyana mona ho ne ho le monate lapeng ha Mafisa le Mmalerato. Kajeno ho ho putswa eka monate ke ntho e sa kang ya eba teng hohang.
Ka pelepele feela ke ha kelello ya hae ya sepolesa e kgutlile e mmolella hore mona ho batleha boiphihlelo le boqhetseke. Eka motho enwa o batla ho etsa maipolelo. Mapolesa ona a tseba. Le pele a ka nka qeto efeng kapa efeng, ke ha baqolotsi ba ditaba ba se ba le teng moo. Ka moo ba neng ba botsa dipotso tse ngata ka teng, ya ba ya ka ditshintshi di thabetse nama ya mokojwane. Ha ho letho le neng le ka etswa hobane le bona ba etsa mosebetsi wa bona wa ho tlaleha.
"Enwa ke wena lefokisi sepoleseng sa lehae" "Ho jwalo mohlomphehi ya kgabane, ke nna Boriki" Ka mora hoba a tsebiswe lekgotla moahlodi a mo nkisa kano ho re bopaki boo a tlang ho fana ka bona e tla ba nnete, nnete feela eseng hohong. "Supa hodimo ka menwana e mmedi o re Modimo nthuse ke bue nne. Ho realo moahlodi a ntse a kgwarikgwaritsa fatshe. "Modimo nthuse" Ke Boriki eo ka bokgutswanyane. Ruri le ha e le mona batho ba nkiswa kano hore ba tla bua nnete, ebe nnete e teng bathong Hona fatsheng le le tletseng bomenemene le boqitolo, ebe nnete e ka mela jwang?
Kamehla pholo e hulang ka thata ke yona e tholang sephadi ho feta tse ding.
Ho sa natswe hakaalo hore se etsahetseng ke eng, hwa bohlokwa ke bopaki bo tsheheditsweng ka dintlha. Ho tsejwa ho re ho etsahetseng, neng, kae, jwang, ke mang, ho mang, jwalowalo.
Ke kgwaphola buka ena ka lentswe le reng, Setjhaba kaofela sa lefatshe, ha re tshwaraneng ka matsoho ho tshehetsa le ho phethahatsa molao ona wa tshireletso ya ditokelo tsa bana. Bana ba seng ba hlokahetse, ba patilwe ka lebaka la ho hlekefetswa ke batho ba baholo. Ho fihlela mona ha re reng, "Hoo, ho lekane!"
Matsatsing ana a mehleng ya kajeno ho hobe fatshe, kgoho e matha ka lerapo thabeng. Ha o lekodisisa ditaba hantle, o di kenya di borele, ho fumanehile hore ho latela molao, ho ne ho se lebaka leo ka lona Mafenetha a ka emiswang, a tshwarwa, a setjhwa ka nako eo, sebakeng seo. Ke ka hoo nyewe e ileng ya qalwa kgahlanong le yena. Yaba jwale Lerato o jewe ke haretsebe; ke re koeyoko. Lefu la hae ya eba papadi ya diketo kapa yona kgati sebele.
Mofuputsi wa nyewe ena, e leng sajene Mallela, o ne a sa phetse ho kgothatsa ba ha Mafisa hore ba kgobe matshwafo, ba behe dipelo mokekeng.
Ho tloha lefapheng leo la diaparo ke ha ba ilo beolwa jwale. Dihloho tsa bona eka diafala tsa dinku. Tse ding di tletse maoma a bontshang hore ke kgale di kakatwa. Ba ne ba sebedisa motjhini o neng o hlile o ba otla lekgwete eka ke lehare. Mokuti wa bona o ne a itshwanela le balebedi bao ba teng hobane tlhapa e ne e sa phetse ho tlola. Ha e le ho makejakejane teng, o ne a bile a ba tloka ka hore moo ha se sekolong. Haeba motho a sa mamelle, o tlo mo tlohela a ntse a le dilase jwalo ka lehlanya.
Le ha e le mona paki ya pele e bontsha e tswile lekoteng, nyewe e ile ya busetswa morao e le ha ho tlo bitswa dipaki ho tswa ka lehlakoreng la sepolesa. Moaba mona maobanyana ho itswe motho o tshwerwe ntle le mabaka a molao. E be kgetlong le teng re tla utlwa eng e tshwanang le eng HA DI EME DI BOTSE. E YA KAE BANENG..?
Batho ba mmitsa lehlabaphio, sefelekwane se jang le dikebekwa. Kelello ya hae ya sepolesa ya mmolella feela hore bopaki bo behilwe ka pela lekgotla, mme ke lona le tlang ho etsa qeto. Ruru lefatshe le lahlehetswe ke botho...
Ka mora hoba nyewe eo e busetswe morao ke ha mokgopihadi wa batho o qhalana ho ya makgoro. Kgotla ha sala ho kgutsitse tu! Yaka ha ho sa le dinyewe tse ding.
Tlhahlamatjholo, Rammoloki nkutlwe ke a rapela, Ke etsa thapedi bosiu le motsheare Ntate, O mphe sebaka le matla ho hodisa shweshwe ena; Lerato kgauta ya pelo le maikutlo aka; Le hoja kgauta tsa kajeno di jowa ke mafome; Modimo, Ntate, Jehova ke tshepile wena Amen... lesedi... kganya...
O ne a hema ka thata a fellwa ke moya. Mafisa wa batho aferekana le ho feta pele. A fellwa ke tshepo. Ya ka a ka re lefatshe ngamoha ke kene.
Le pele a ka bua eng kapa eng, ke ha monna eo wa ngaka a re: "Se tshohe letebele leso, wena motho ya hlapang ka moro metsi a le teng. Ke nna Makokona ngaka ya mofu ntatao Morapedi heiii... ke rometswe ho wena ke Badimo ba hao... hei...!" ha a realo a tsoke letjhoba a akgotse lengetse kgafetsa a sa natse hore batho ba reng. Shuuu! a tla ka tshoha Mafisa ha a utlwa hore ngaka eo e rometswe ke Badimo ba hae. Empa o ne a sa a lebetse hore o ne a sa tswa nka qeto ya ho kopana le ngaka ya setso pele a inehela sepoleseng. Empa ho a makatsa ha ele mona a sea hlaba hlohlodingwane. Ka mora hoba ba qoqaqoqe nakonyana e teletsana, ke ha ba tsebana hantle hoo ba neng ba se ba bile ba tsheha mmoho. Makokona a mmolella tsohle tse mo hlahetseng le hore o ikemeseditse ho ineela sepoleseng. Sena sona Makokona o ne a hlile a hanana le sona. Empa ka mora hoba a fumane tlhaloso e teletsana, a bona ho le molemo hore a etse le ho phethisa thato ya hae. Yena o ne a batla ho mo fa dira ha di bonwe sepolesa se mmatle ho fihlile se bile se teetse hore ha e le mmolai, ho ka nna ha etsahala hore ebe o shwele le yena.
Ha a tswela pele ho pheha le ho hadika Mafisa ya senang molato, o re, "Ho re taba ena e o tshwara jwang, eno ha e batle nna. O dule o tseba ho isa lefung nkekene be ka phomola le kgale. "Ha a realo ebe o se a se beha hloohong, a itshela ka dikgapha, Mafisa a utlwe bohloko hoo a neng a bona ho le molemo hore a shwe ho ena le ho phela tlasa maemo a jwalo.
Le ha ho le jwalo ho fedile ke bomadimabe ha se lehlohonolo jwalo ka ha Mosotho wa maswetswe a ne a ye a tjho...
A ntho e ntle ruri...
Banna le basadi bao re buang ka bona ke sepolesa se neng se lokela ho fuputsa taba tsa Lerato ya ileng a shwa lefu le sehloho tleneng tsa mmolai. Jwale motho o ipotsa hore ba ne ba le kae Hona na kano ya bona ke ya ho sebeletsa ba malapa a bona kapa ho sireletsa setjhaba Ditsela tsohle tse teng tsa bophelo lefatsheng lena leo re phelang ho lona, di lebile mabitleng. Ke ka hoo ka mehla ha motho a se a iketse ebe re utlwa batho ba re, TSELA TSHWEU LETEBELE, O RE ROBALLE KA KGOTSO..?
Kamehla ha o kopana le yena o kgaba ka pososelo ho bontsha ho re enwa motho ke ngwana wa kgotso e le kannete. Eba ho wena pososelo e bolelang Tjhee eo ke ya hao taba, feela nnete ke e boletsweng kahodimo?
Hmmmh! Ebe Mafisa o ne a le boemong bo jwang ha a tla thunya Mafenetha, le hore o ne a le boemong bo jwang mohlang a inehelang sepoleseng Hona o ne a susumetswa ke eng ho etsa tseo tsohle Ha di sa eme tjena ho molemo hore di tlohellwe di tle di bonwe mohla kotulo ha moahlodi a diha nyewe?
"Butle hle ngwana monna, boiphethetso ke ba Modimo bo. ""Hei! Satane kgaohana le maikutlo a ka. Tloha ho nna! Tloha bo! ""Jo! Mafisa o reng ho nna ""Ke tjho tje! Ke se ke tjholo monna. O ka nna wa ya moo oyang. "Ha a realo ke ha dikeledi di ntse di re tsuuu, a tsitsinya hlooho, pelo e lwana le maikutlo e hana ho qekwa. "Le ha ho le jwalo Mafisa monna ke o rapedisa hore ose kene molekong le wena. "Ho realo moruti a amehile maikutlo ha bohloko hobane le batho ba bang ba ne ba ntse ba ba mametse ha ba ntse ba tjodietsana jwalo?
Mona le mane ho utlwahala ho re sepolesa se ile sa ka sa mmeha matsoho sa mo hlohonolofatsa, empa a hana a latola basehla. Hona le hore a bue nnete, a qosa sepolesa ka ho re se mo tlatlapile se tseka hore a dumele molato. Eka le mona sepolesa se ntse se entse phoso ka ho mmeha matsoho le ha se ne se batla nnete. Ruri ho thata ebile ho boima ho ba lepolesa ho fumana nnete ho motho hobane o tla hana a be a latole bosehla le nthong tseo a di entseng.
Motho e mong le e mong o phela bophelo ba hae boo abo fuweng ke Mmopi wa hae ho thola lehlakeng ho isa lebitleng. Ke realo hobane tsela tsohle tsa bophelo di qala tlhahong ho isa lefung. Pakeng tsa ntlha tsena tse pedi, ke hona moo re boneng meeka le mehlolo, ntho tseo o ke keng wa di hlalosa o le motho.
O ne a ka ba dilemong tse tlohang ho robong ho isa ho tse leshome. Jwalo, ka ha e le wa ntlo ya thapelo, o ne a ye a sadise batswadi ba hae hantle pele a letipatipa ho ya sekolong. Ruri lerato la hae le ne le hlile le kgaphatseha ho ntatae. Sena ha ho motho ya tsebang hore ebe se etswa keng. Le mehleng ena re bona bana ba banana ba ithatelang bontata bona ho feta bomme. Kwana ha se hampe ha ngwana a rata ntatae kapa mmae, le hoja bontate ba kajeno ba fetohile ntho tseo motho o ke keng wa di hlalosa. Ke realo hobane o ke ke wa ba tshwantsha le diphoofolo hobane tsona di rata ho hlompha madinyane a tsona. Mosotho o re ngwana ke wa setjhaba kaofela ho sa natswe hore ntatae kapa mmae ke mang.
Eo ke potso e thata eo motho ka mong a tlang ho e arabela ho ya ka moo a itsheteletsang ka teng.
Ha maemo a le tjena ke hona ha Ramautla a thaothang batho a ba Kenya lebothong la hae la dikweta.
Le ha batho ba bang ba iphapanya dintho, ba ne ba tseba hantle hore ho tsamaya le masiu o le tlasa tahi ho kotsi haholo. Jwale ho fokotsa bohlaswa bona, sepolesa se tlameha maoto le matsoho ho ba hleka pele ba hlahelwa ke ditsietsi. Ka ha Mafisa a ne a sa tahwa, o ne a ipotsa hore ebe qoso ya hae ke ho tsamaya le bosiu kapa ho tswa ntlong eo ya jwala na?
Ka mora hoba Mathibe a phethele ho fana ka bopaki le ho arabela dipotso tsa phaphanyetsano ke ha ho tla yena Mafisa ka sebele a tlilo beha nthlakemo ya hae nyeweng ena. Mafisa wa batho o ile a e duba nyewe, a e ferekanya hore ho se hlake ho moahlodi ho re jwale o bua ka eng. Kaekae o ne a hanana hohang le botataiso ba mmuelli wa hae. E re ha mmuelli a re tjena, ebe yena o re, tjhe tjena.
Le ha ho le jwalo Mosotho o ye a re: Ngwanamahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha. Ke kgale a tshwarwa, a kwallwa, a ba a ahlolwa, empa ha a ke a utlwe. Ha a bake kapa ho kgutla bophelong boo. Ngwana wa hae o ne a sa phetse ho re ho ntatate ba ye hae. O ne a sa tsebe hore ntatae eo ke phoofolo e ka nnang ya mo fenetha ha ba fihla hae. Ha a tadima ngwana eo wa hae, a utlwe sello sa Lerato se mo tlala pelo le maikutlo, ebe o bokolla ho feta. Mohatsae o ne a sa phetse ho mmontsha hore a ke a hlokomele sekodi seo a se sinyetseng lelapa la hae ka boitshwaro boo ba bonyamatsane. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e rata ho mo tjheselletsa ka tlung empa e nngwe e hane e tiile hore yena ha a na molato. E re a ke ke a shwa ka lebaka la diketso tse mpe tsa monna eo wa hae.
Lena ke lefito le lokelwang ho lokollwa ka ho beha bopaki bo tsheheditsweng ka dintlha.
Eitse hang feela ha ba teanya mahlo, ke ha Mmalerato abokolla ha bohloko. Ha utlwahala seboko sa mahlomola. Ya eba ona mokgosi wa bosiu phallang hobane wa motsheare ontsha batho matlung.
"Ee monghadi Boriki a ko hlalosetse lekgotla lena le kgabane hore Mafisa eo e leng moqosuwa kajeno lekgotleng lena, e o ne a kene ka mokgwa o jwang ha a fihla sepoleseng "ke Mothobisa a hlile a tonetse paki mahlo. Ka nako e nngwe ho tona mahlo hoo ho etsa hore paki e hloke botsitso hoo qetellong e beng a ipotele tjhe a sa hlokomele. "Haeba ke hopola hantle, o ke ne a hlile a hatela hodimo a bontsha kgalefo e tukang malakabe. "Ho realo Boriki a ntse a thetha sehohlolo. "Na ha motho a hatela hodimo ho ya ka wena o bontsha kgalefo"\"Mohlomphehi ya kgabane ke ho latela pono ya ka tsatsing leo." "Ha motho a hatela hodimo eka nna ya ba ha a halefa empa o potlakile; ho ho jwalo" Ke Mathobisa eo a ntse a thalatsa kwana le kwana. Ho ka nna ha eba jwalo monghadi ya kgabane le ho ja enwa yena a ne a halefile haholo." "Lekgotla le kgabane ke kopa hore paki e arabe potso ntle le hore a kenye mehatla ya hore enwa yena o ne a helefile kapa jwang." Ke Mathobisa eo a boetse a tonetse Boriki mahlo?
Ha batho ba ntse ba hlaha ba feta ho ya badimong, ba setseng re re "tsela tshweu mabewana ha le kgutlela mmopong ho tswa moahong mona fatsheng la ditsietsi le mathata."
Ha hlahella kaekae hore leloko la mmolai enwa ya sehloho le ne le eme le setjhaba hore Mafenetha a fanyehwe. Sena e ne e le takatso e susumetswang ka maikutlo a kgathatsehileng. Molao ha se maikutlo kapa takatso ya motho ka mong.
Le kajeno lena le hodimo, Mafisa ya eba podumo ya moemanotshi, ya ba kabelwamanong ka sebele. Ha ho le tjena, monna o lokela hore a hele a itlamele nthong tsohle tseo a di etsang.
Kelello ya Mathibe ya sepolesa ya mmolella hore a ba behelle ka thoko hobane sepolesa se sa le tshebetsong, mme se tla ba fa monyetla hang feela ha se qetile ka motshwaruwa eo. A ba bontsha hore ho itshunyatshunya hoo ha bona ho ka sitisa sepolesa ho etsa diphuputso tse nepahetseng.
Masiung a fetileng ka kgitla e kgolo, Mafenetha wa sekwata ha a ntse a kgakgathisa mahanana e re kg, kg, kgrr, kgph! Aphofa habohloko a utlwa sello se hlomolang sa lerato. "Joo ntate nthuse joo hi... "A kgwatjhoha, atlolela hodimo a bokolla e ka o a shwa. Le ha hothwe sello sa tsuonyana ha se hlomolephakwe, kgetlong lena se ile sa hlaba hoo a bileng a ipotsa hore ebe o kenwe keng Meokgo ya tswa fifing la bosiu a hlobaela. Ho jwalo ka mehla ha motho a kotula seo a se jetseng ho sa natswe hore ebe o ne a se jala a re se tla kotulwa ke mang A bokolla, a meketsa ha bohloko a re : "Lerato! Lerato, ntshwarele hle ngwanaka, ke ne ke sa iketse bo... "Ha tau e purumakaka jwalo hara moru, e hlobaetsa diphoofolo tse ding haholo tse senang matla a ho ema ka pela yona. E be jwale di tla phatlalla ho tlalatlala le moru. Ha a bokolla jwalo eba o hlobaetsa batshwaruwa ba bang borokong ba bona?
Ho tswa tlase sekolong sa Mankweng, tshepe ya teng e lla e sa kgaotse haholo hoseng ha sekolo se lokela ho kena. Mohlomong ke hobane e le sekolo sa bana ba tlaase dilemong, ba nang le ho itebala ho re ba ya sekolong.
O ne a ipotsa hore ebe jwale molato wa hae ke ofeng hobane ha a tahwa Ha ntse a komakoma jwalo, ka morao ke ha e le pina feela e reng: Si boshiwe siboshelwa mahala..?
Ha e le Mafisa yena, o na a rapela ka matla ho bontsha le ho paka hore o na le tumelo e feletseng ho Mmopi wa hae. Jwalo ka ngwana wa Mosotho e nngwe ya dithapelo tseo aneng a ye a di etse e baleha jwana...
Diqabano tsa lapa la bona tsa mela jwalo ka lehola hoo di neng di se di rena bosiu le motsheare. Ba ne ba ka qoqaqoqa ho se ho kae, ebe ba se ba qabana e le ha e mong a re Lerato o qetella a eshwa ka lebaka la hae.
Mafisa o ne a hlahafetse ha bohloko a mpa a haellwa ke matla a ho hlasela Mafenetha wa senokwane. Pelo e ne etutlatutla ha bohloko a matha mofufutso ke bohloko bo sa tsweng madi.
Ha motho a lahlela mahlo kgutlong sa mmila o kenang ka motseng wa Masakeng, ho teng mo ho jewang hlenhlenyane ho ya kwana le kwana. Ke hona mona moo banna le basadi ba yeng ba re ba tlosa letshweya le ho theola maikutlo a phahameng teng. Empa ha motho a lokodisisa taba ya bona hantle, o fumana e le leshano le pala. Ha ba se ba jele hwenene, ba lahlehelwa ke dikelello, ebe mona moo motho a etsang dintho tse tshosang.
Ha eba seo e le nnete, ebe ke hobaneng ha ha setjhaba se batla ho iphethetsa Ebe ha se hona ho balehisa phokojwe ee, setsetse see pele se fumana moputso wa kahlolo Tjhee, ha ho mang ya tsebang ha jwale?
Hang ha a tswa moo tameneng, ke ha a bona divene tsa sepolesa tse akang tsa sesole ka hare. Mokgwa oo di neng di tsamaya di ngotlile mohwasa ka teng, e ne e ka tsa ntwa ya bobedi ya lefatshe ho bao e neng e le karolo ya yona.
"Dumela wa mmuso o phetse jwang monna ""Tjhee ke phetse tau-a-kgale haese mosebetsi ona o boima wa sepolesa. Ho tsoma batho ho boima ho feta ho tsoma diphoofolo tse hlaha morung kwana. ""He, o buile le ha o ka thola wa mmuso. Ke batla ho ohlapanyetsa ka matebele a ntswetseng, ha eba le se le fumane tshehetso ya setjhaba, le ke ke la o besa wa tuka. "Ha a realo abonahala a tlala morolo le safahleho se phutholoha hannyane?
Tlhaloso ya hae ebile hore o ne a le maemong ao ho ona aneng a ke ke a ba le bokgoni ba ho ela hloko tseo a di etsang kapa a di entseng. Ruri ha e le ditlhaloso tsa bongaka ke tsa bophelo ba motho le ka moo di amehang ka teng maemong a itseng, di batla batho ba nang le tsebo kapa kutlwisiso e batsi. Mafisa o ne a itswela feela ka kgotla ntle le ho kopa. E be se ha se bontshe hore kelello ya hae entse e so loke hantle. Haeba e so loke hantle, ho tlile jwang hore ebe re mmona a hlahelletse kgotla?
Ka mora ho ba a e fumane, ke ha a ikamahanya le sehlopha se itseng sa borakgwebo ba neng ba ikwetlisa beke le beke ka dithunya tse fapaneng. Ke realo hobane e mong le e mong o ne a ena le mofuta wa hae wa sethunya. Sa Mafisa e ne e le MAKAROFF, nthwe tswang ho lane la Rashia.
Fatsheng lena la heso matsatsi a menate le thabo a fedile, mme eka a felletse ruri. Ho teng, batho ba phela ka ho bona meeka le mehlolo e etswang ke batho bathong ba bang.
Kwana ho ne ho hlakile hore hlooho e lahlehile, mme le kgatello ya maikutlo e phahame ke mathata feela. Le ho robala o ne a sa robale nako e telele ebe o se a ntse anonotha. Ruri ho thata hoba ha ho motho ya mo etelang hobane o ne a le bohale a sa batle ho bona motho lapeng la hae.
Ha mmuelli a ntse a botsa dipotso jwalo, ke ha Mafisa a itswela ho ya ntlwaneng. Ho ya ka yena Mokubetso o ne a ntse a ipuela ditsiebadimo. Ke hore a pota potang Basotho. Le ha ho le jwalo lekgotla le ile la mo hlokomedisisa hore hoo e ka ba ho tella lekgotla ha a ka phetha hape.
Jwale ebe o hatile naha mohatleng, o kgwathile notshi tsa semana. Bana ba mo rahe hore ya boi a tjhetjhe, e re ha mafube a wela fatshe tsatsi le hlaha ka mahlasedi a entseng metsu, ebe o utlwa feela hore ke hoseng. Mahlo ba a kwetse nqi! Ba bohlale jwalo ka yena. Dinyewe tseo a di butseng di ne di thiba letsatsi le ha a ne a tshaba ho supa le ha e le motho ale mong to: ka monwana a tshaba ho re ba tla mmolaya.
Tseo tsohle ke tsona diabanneng di bolelwang. Hoseng e sa le ka madungwadungwa eba ba tla tsoha ho ya ho hlapa le ho ja dijo tse sa yeng kae. Hang ha molebedi a hlaha a kgaruma ka lentswe le matla a re, "TWO! TWO! UMTHETHO WA SE TJELE". Ha a realo ebe ba tswa ka bobedi ka bobedi ba kobile dihlooho ho ya dipaneng moo ba ilong ho sebetse teng Mona banna ba hula joko e boima ha ho tsuonyana phatela nngwe.
Hakaalo sena e ne e se nnete ho tswa botebong ba maikutlo. O ne a etsa eka o amohetse se mo hlahetseng, athe pelo ya hae e loha mafito a ke keng a tlamollwa ke motho ofe kapa ofe, haese yena feela.
Ruri e thata ena taba e batla banna ka dijase Tabeng ena le moahlodi o ile a kopa ngaka hore e hlalose hantle seo e se bolelang ka polelo mararane ena. Ha moahlodi a hloka tlhalosetso e be rona boSa re tla e kgona na Ke bolela rona batho ba sa phetlang. Ngaka ya mmuso, paki e kgabane ya phetha tsohle tseo e di boletseng e sa fokotse kapa hona ho kenyeletsa hohang. Ya bontsha hore e tseba taba tsa yona?
Ho ya ka hlokwana la tsela, sepolesa se ile sa tshwara mmelaelwa eo ho bileng ha fumanwa thepa ya mofu ho yena. Empa tshita kapa qaka he hore, ho latela molao, o tshwerwe ka tsela e seng ya molao. Jo! seo se bolelang?
Hang hoba Mafisa a kene ka lebokosong ke ha Mathobisa a tswela pele ho hloma Mokubetso dipotso. Le dinyewe di ntse di ritelwa tsatsi le tjhabang le le dikelang.
"Ntumelle ke re ho jwalo moahlodi ya kgabane" O ne a bonahala a finne seledu ntlheng eo.
E nngwe ya dintlha e sa hlakang hantle ke ya hore ngaka Semamedi ha a ka hlalosa hantle hore ebe Mafisa nakong eo a neng a mo hlahloba ka yona o ne a le tlasa kgalefo e bakwang keng?
Lekgetlong lena ho na ho hlakile ho re ona a sa tswa lokollwa tjhankaneng ka mora hoba a hule dilemo tse hlano tsa polao. Le ho ja mosebetsi o tswileng matsoho wa ho tshwara mmolai eo. Ka nako e nngwe motho a o ipotsa ho re batho bao ba lokollwa ba e so sokolohe hobaneng. Haeba ke nnete ba lokollwa hobane feela ba qetile sekwebo, seo ha se a lekana. Batho ba jwalo eka ho ba molemo hore ba bewe leihlo ke sepolesa ho qoba hore motho a lokollwe hoseng e be nengneng o tsoha a se a bolaile motho e mong.
Hangata tse qalang di ye di fapane le tse qetellang. Le hoja ditsela tsa bophelo di le matlapa, di thella ebile di le matswendintseke, haele bophelo bona bo tswelapele ho ya ka moo motho a ratang le ho lakatsa ka teng. Ke realo hobane ha se hangata batho re phelang ho ya ka moo Mmopi a re bopileng ka teng. Ha lebidi la bophelo le ntse le potoloha, ke mona moo re kopanang le Mafisa e motsho, Letebele.
Ha jwale re se mametse ha ho ntse ho komelwa nyewe kgotleng lena le kgabane. Mohlomphehi Mokubetso, ako bolelle lekgotla lena le kgabane ho re moqosuwa enwa o ne a apere jwang bosiung ba polao ya motswalle wa hao Mafenetha Ho realo Mathobisa a ntse a qamaka kwana le kwana eka ha a lebella karabo ho tswa ho paki eo e kgabane?
Le ha ho le jwalo, kgotso le yona e na le ho jewa ke mafome e thobele motho a sa labella, ebe o aparelwa ke kgalefo ho fihlela meeka le mehlolo. Kgalefo e mo aparele a fetohe ntho e sa tlalang. Le ha ho le jwalo kgalefo eo ha e na mokoka hobane e phakisa e fela ebe motho wa kgotso o ikopela tshwarelo ho bao a ba foseditseng.
Eitse ha hore ho otla ya leshome le metso e mmedi hodima hlooho, ke ha Mafisa a emisa ho nwa jwala. Leihlo la hae le ne le sa tlohe phofung ya hae ha e ntse a etswa e kena kgafetsa ho le monate.
Boholo ba setjhaba, haholo ba neng ba tsheheditse Mafisa ha Lerato a ne a betilwe a bolailwe a ba a kgothotswa ke mofu enwa, bo ne bo hlaba bo bile bo tsanyaola modidietsane bare Mmopi o ba arabetse ka karabo e kgotsofatsang. Ka lefu la Lerato, setjhaba se ne se hlabehile habohloko hobane se utlwisisa ho re o ne a ke ke a kgona ho itwanela ka ha a ne a le monnyane.
Ka mora tlhaloso eo, moahlodi o bile a tswepelela Mathobisa mahlo e le ha a batla ho utlwisisa hantle hore o bolela hore ngaka e entse dihlahlobo ho moqosuwa boemong bo sa amaneng le taba eo ba leng moo ka yona na?
Ha e le Mafisa ka disutu, o ne a iketlile hoo a neng a idimola kgafetsakgafetsa e le mopoto feela le tshenyo ya nako.
Hangata moetsi o a lebala empa moetsuwa ha a lebale le ha eka ba ka mora dilemo tse leshome.
Bophelo ba fatshe lena bo naka di maripa. Ka realo hobane bo thata, bo boima, bo bohloko, hape bo monate ka dinako ka ho fapana. Ha jwale ho teng ba tshehang ba keketeka ha monate, ha ba bang bona e le dillo le ditsikitlano tsa meno feela.
Ka nqe nngwe hona ho hloka tjhelete ya ho nka maqwetha. Feela molao ke ona o boetse o fana ka leqwetha la mahala ho sireletsa mmolai. Hona ha se ho tshehetsa mmolai, empa e le hore toka e tle e tsamaye ka metjha e loketseng ho qoba hore motho a ahlolwe empa ho se bopaki bo felletseng.
Ka mehla ha letsatsi le tjhaba kapa le dikela, motho a ipotsa ntho di hana ho fela hore ebe bosiung boo motho o tla bohlotha kapa jwang. Hape ha le tjhaba o a ipotsa hore ebe le tla le o fuparetse eng. Ruri potso dingata.
A lla ka leihlo le leng jwalo ka kgama e tsetselela metsi a molatswana. Ho tswa boteng ba pelo le maikutlo a re "Jehova, Ramasedi nka bophelo ba ka hle ke a kopa."
Ruri ho sa tsebe ke lebote ho tshwana le lefu la kgoho.
Bopaki boholo bo ne bo itshetlehile ntlheng tse kang tsa ho re Mafisa o fihlile neng kapa yena o fihlile jwang, a etsang Le hore ho ile ha qetella ho etsahetse eng ka yena ho fihlela a hlahella lekgotleng la dinyewe. Ruri phehisano tsa kgotla di fapane hole l e tsa makgotla a rona a setso moo motho a le mong a ka pakang feela hore o a o tseba hore o setlokotsebe. Seo o qoswang ka sona o se entse ka mora moo o a ahlolwa o sa ka waba le mmuelli?
Seo a seng a se hopola feela ke hore Mafenethe o ile a thunngwa le ho bolawa ba le mmoho bosiung boo. Ho dumela kapa hona ho inehela hona ho ne ho bontsha hore jwale o kgathetse ke ho tlodiswa kgathi ka ho botswa potso e le nngwe hangata ka mekgwa e fapaneng, ka sepheho sa hore a qetelle a potile a sa ikemisetsa. Dipaki di nyatsa yona ntho e tjena hore di tle kgotla ho tla paka. Motho o ka inahanela ho re ha eba e le ngwana teng ho thata ho le ho kae Mokubetso wa batho o ne a shebahala a theohile hoo le lebanta le ileng la korota hannyane ha a tswa ka lebokoseong la bopaki. O ne a utlwa eka ke yena moqosuwa e seng paki ho ya kamoo dipotso di neng di le matla ka teng?
Ruri ena taba ya hore Mafenetha ha ana molato e ne e kukunela dipelo le maikutlo a batho. Le kgetlong lena nyewe e ile ya busetswa morao. Sena ya boela ya eba diketo kapa kgati e bapalwang ke molao. Ke realo hobane batho ba ne ba ipotsa dipotso di hana ho fela; hore ha e le moo lekgotla le nka nako ya lona ho phethela dinyewe tsa batho, ebe ba ka le tshepa jwang.
Lerato! Lerato! Ee, shweshwe, mohaladitwe, ke re mmusapelo wa ntatae le mmae. Shu! Ngwana a kgolwa tjhakatsa ka mahahapa ke motsofehadi wa sekweta, mmolai ya kgopo ho feta sekele, eo qetellong a bileng a mmolaya a nto nka sekgama sa hae sa molaleng le tshupanako ya hae. Sekgama seo sa hae sa kgauta o ne a se rekelwe ke ntatae tsatsing la hae la tswalo. Se ne se bile se ngotswe mabitso a hae ka botlalo. Se tjena sehloho ke qala ho se bona. Ngwana a betwa ka sehloho a bolawa a nto nkelwa thepa. Ruri ha motho o tebisa maikutlo o a bona hore ena taba ha se tabanyana feela. Ke kgehlepehadi, kidibitla ya ntho. Ha ho le tjena ho molemo ke hore setjhaba se eme ka maoto se tshireletse bana ba naha ekasitana leba naheng tse ding tsa lefatshe.
Mora Mafisa, le letsho Letebele, o ne a reka lehlasedi hoseng ho hong le ho hong. Ntho e neng e sa mo tshware hantle ke ya lerata le neng le etswa yena empa ho sa bonahale ho tshwarwa le ho ahlolwa ha ba molato. Ho yena lefu la phoofolo ena le ne le sa re letho. Lefu ho yena e ne e le mosadi wa hae le moradi wa hae qha! Hona ke hona ho kgothalletsang batho ho tswela pele ka dipolao hobane lefu ke la bao ba amanang bona feela, la motho e mong eka ke papadi tjhe.
Bana ba jwalo ka dishweshwe le mehaladitwe hodima lefatshe. Ba jwalo ka ditaemane le dikgauta tseo re lokelang ho ikgantsha ka tsona. Mosotho o re thupa e kojwa e sa le metsi, mme re le baetapele, a re qaleng ho ba aha esale masea, re ba fe lerato. Makgabunyane ana re a fuwa ke Mmopi ka ho rata.
Lefatshe le tletse ntho di se kaaka letho. Ho diphoofolo, dinonyana, dihahabi le tse ding tse ngata tseo Mmopi a di hlodileng. Tsena tsohle tseo ke di boletseng di rata madinyane a tsona ho feta kamoo motho a nahanang ka teng.
Ka mora diphuputso tsa bongaka ke ha ho hlahella hore ngwana eo o ne a lapile ho feta tekano. Hona ho bontsha hantle hore mmae eo ha e sa le a fula a tlatsa mpa ya hae hoo a neng a se a bile a lebetse ka lesea leo la Modimo. Le ha Mafisa a kwallwa le mokgopi oo wa matahwa, pelo ya hae e ne e se e le kgubedu ha a hopola Lerato eo nyewe ya hae e sa kgoneng ho fela. Kajeno le yena ke enwa o ya teronkong.
Matsatsing ano o ne a rapela ha a robala. Ho rapela ke ntho e ntle ha motho eba o rapella ntho tse ntle. Ke realo hobane Mafisa yena o ne a rapela Badimo ba habo ba Matebele, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng. O ne a rapela hore ba mo fe matla a ho hlakola le ho tlosa Mafenetha lefatsheng lena la ba phalang.
Ere ka ha matsatsi a fihla a feta le tsa ona tse monate kapa tse bohloko, le leng ke lena le fihla. Tsatsi leo ha le fihla jwalo, ke ha e le ho re ntja tsa mmuso di tsomme di se di bile di kgathatse ho se motho eo di mo tshwarang. Ho batho ba lebelletseng ho bona ha molao o sebetsa e be maswabi ruri.
Lefatsheng ka bophara, molao ke wona o busang le ho tsamaisa dintho tse amang maphelo a batho hammoho le dintho tsa bona tse jwalo ka thepa.
Pelo ya rotha madi. A tlallwa ke kgalefo. A fellwa ke tshepo a ba a itebala hore ke modumedi, ngwana wa ntlo ya thapelo. Jwale pelo ya kgikgitha ka yena ho ya mafisa. A qetella a rihakane hore ha eba feela ngwana eo wa hae o kwetetswe, motho o tla shwa. Ho jwalo ka mehla ha motho a aparetswe ke kgalefo. Leleme le a thella hoo qetellang a bua puo di hana ho fela.
Eitse hoba motjhotjhisi a behe nyewe ka pela lekgotla, ke ha mmuelli wa mmelaellwa a lwana ya kgumamela ho supa ho re motho wa hae ha ana molato nyeweng ena.
Ka mehla ho jwalo haeba moahlodi a se ele hloko maqiti a maqwetha hantle. O iphumana a lokolletse dikweta a kwalletse batho ba hlokang molato. Ka ho realo ha se hore Mafisa ke sekweta. Thjee bo lekgotla ha le e so nke qeto nyeweng ya hae. O sa ntsane a nkuwa a se molato ho fihlela moo lekgotla la molao le mo fumanang a le molato teng.
Mmalerato mosadi wa batho a qala jwale ho pokelwa ke lefu la pelo le kgatello ya maikutlo. Dipilisi o ne a di nwa a be a di kome jwalo ka kgoho e kobola poone empa ho se phethoto. Dingaka o ne a di potile tsa sekgowa le tsona tsa setso, empa tseo tsohle ya nna ya eba mafeela a mafeela. Ho jwalo ka mehla ha pelo ya motho e ka hlabeha. Qetello ya hae ke ho qhwala ho mo kgannelang lebitleng.
Eitse ha mafelo a beke a malelele a fihla, e leng ka Labohlano la pele kgweding ya Phato, mantsiboya, ke ha ho tjhang ho apara sutu e ntsho eo a neng a e apara ha a hlabehile. O ne a atisa ho e apara ha a eya kerekeng. Empa kgetlong lena o ne a eya moo ho tla nkgang ho sa bola.
<fn>Random.9780636091146A.WP.txt</fn>
2.5 Mataboha. E. Ntata Thulare.
Ra hlophana hantle, ra etsa mela e mmedi. Tlasa taolo ya Sensei Takadimane, ra ikotlolla re ntse re hlokometse hore re se otle bao re ikwetlisang le bona, ka phoso. Nako ya tlhodisano ha e fihla, dipelo tsabana ba batho tsa senyeha. Takadimane o ile a re kenya ho ya ka mabanta arona. Nako ya ho re ke kene ha e fihla, ka thaba hampe ha ke kenngwa le emong e motjha jwalo ka nna.
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: A fihla polasing eo a holetseng ho yona a kgathetse, letsatsi le dikela, le tlerefetse, a ba a nahana hore le mo halefetse ha e le mona le mo tjhesitse tsela ena kaofela. Ha a hlahella lerallaneng le haufi le habo, a sheba ka thabo ho bona motse wa habo, empa a fumana masupi feela. A nna a tla jwalo ho fihlela leo e neng e le lehae la hae, moo a hlahetseng teng, a hlopheha teng. A fellwa ke matla, a kgathala pelo. A phomola hodima lelwala leo a le tsebang hantle. Mmae o ne a atisa ho ba nepolela motoho ka lona. A utlwa a makala hore mmae o le sietseng ha a ne a le beile pelong hakana. A ba hodisitse ka lona. A dula hodima lona a ntse a nahana ntho tse ngata ho fihlela ho ba lefifi. A sama lona lelwala leo a ithoballa.
Hlalosa ka botlalo hore Karabelo o fumane jwang lebitso leo. Hlalosa ka dintlha tse pedi.
Ha Mmatoro a bua jwalo, kgabane ya rona ya tswa ka monyako e bokolla.
Ntata Thabo ke mang?
Tshepiso a lla sa mmokotsane.
Phalo e eme le lesemela - Ho tsielwa.
Hlalosa seo jwala bo leng sona ho ya ka mongodi wa pale ena.
E mong wa metswalle ya Abiele, Gauta eo e neng e le lekgoba la tahi, o utlwela ka bothata ba Abiele o ikopanya le yena ho mo eletsa ka ho re a ye le yena mokgatlong o o tshehetsang makgoba a tahi. Abiele o amohela keletso ya Gauta o a thuseha o tlohella jwala.
"Jwala ba etsa hore ngwana a mpone ke le koko ya bosiu. Ke ahlokomela jwale, jwala ha se pheko ya mathata."
Karate e ne e nthuta hlompho ka tsela eo ke neng ke sa e elellwe. Peleke ne ke nyatsa batho ba mafumahadi, ke sa rate ho utlwa letho le ha barata ho nkeletsa. Ho phahamisetsa motho wa mosadi letsoho e ne e le nthoe bonolo hoo ke neng ke sa nahane hore ka tsatsi le leng ke tlo kopana lepela di falla. Ke mang ya neng a hopola hore motho ya hlooho e thatajwalo ka nna, a ka rutwa ke mosetsana ya jwalo ka Prudence ho lwana Kemang ya neng a tseba hore radikgoka ya boemong ba ka, a ka tshabaBeatrice Tsena ke ntho tse ntjha tseo ke ithutileng tsona ha ke ithutakarate. Ke ile ka ithuta thuto ya bohlokwa hore lenyatso ha le sebetse ebileha ho ntho e hlolang boikokobetso mona lefatsheng. Ke ithutile hore bathobohle re a tshwana hobane merabe yohle e ne e sebedisana mmoho ntle lekgethollo. Ha ke sheba ka moo re hlomphanang ka teng Dojo, ke ne ke lemoha hore ha bohle re ka lesela boikgohomoso le ditlontlollo, re ka phelahamonate mona lefatsheng. Tsela e sa le telele eo ke tshwanelang ho etsamaya empa ke ikemiseditse ho fihla tlhorong?
2.1 Ho ipha dimenyane.
"Yoi!" Ho rialo Sensei Takadimane. Ra etsa se batlwang. "Hajime!"
Karabelo a tshwara seatla sa mme wa hae ka letsoho le leng, athe ha e lele leng a tshwara seatla sa ntatae Lereko, yaba o re, "Ntate Lereko le wenamme, ha ke rate ho bona qeto ya ka ho eba le motho e mo kgopisang. Kgetho ya ka ke ya hore ke tla nne ke dule le mme, empa ke tla nne keetele ntate ha dikolo di kwetswe le mafelong a beke. Hodima tseo ke sengke di hlalositse, ke kopa ho re Ntate Lereko le nna maikutlo a ka a sekgopisehe. O se hlekefetse Mme ka lebaka la tsena tse etsahetseng. Kekopa hore o kgaohane le nkgono hobane ho mo lwantsha ha ho na hofetola maemo a ditaba, ho teng e tla ba mathata hodima mathata. Ha oetsa tseo ke o kopileng hore o se di etse ke tla o hloya, ke o ile sekgethe. Ha ke na ho o utlwisisa ho hang." Ha Karabelo a ntse a bua tsena ho ne hobonahala ho re nkgonae, mme wa hae le Lereko ba makaditswe ke houtlwa mantswe a sefutho, a ahang, a tlisang kgotso, a tswang ho ngwana yasa leng tlase dilemong jwalo ka Karabelo.
"Mamohale hobaneng o sa ye Secunda, o ilo batla tjhelete ho monna wahao" Mmaditaba o a botsa?
4.7 Ho iteta sefuba.
"Thola!" O kena Mmatoko hanong. "O ntse o tshwana le yena ngwanaenwa wa hao! Ke o hatikela le yena o ba o timellwa hona jwale."
##polelo eo temeng e ka hodimo.
Ha a ntse a nahana tsena, o ntse a akgela lejwana ka metsing. Ka nako enngwe a le akgele ka sefutho sa hae kaofela. Bodutu bo mo qetile. Oikutlwa hore selemo sa boraro se tla fela e le mofu ya sebetsang mmaeneng. Ha a so qete le selemo sa pele, empa pelo ya hae e se e bolailwe kematetetso a ho mamella bodutu, ho sebetsa ka thata, ho omanngwa, hokgarametswa, ho rohakwa, le eng Ke lethathamahadi?
"Bona, jwale o sotleha jwang" Mmaditaba o bua jwalo a kgangwe keditsheho?
"Tshepiso ngwanaka, o batla ho lo ntshetsa dithuto tsa hao ho kae" Hobotsa Mamohale?
"Batho ba fihlile, ba bile ba ile," ho ntse ho ngongoreha Tseko. "ke nthoe jwang yona eo Rona re ntse re emetse terene. Re tla ema ho fihlelaneng Ruri, nna ke kgathetse. Ho emela terene ho thata.?
Jwala ha se 4.
O mathile jwalo a sa tsebe moo a yang teng. Sepheo sa hae e ne e le hoya tlaleha taba ena sepoleseng. Empa jwale le hona moo sepoleseng o ne asa tsebe hore na ke hokae. Le ha ho le jwalo a nna a matha a lebile pelefeela. O ile a bontshwa ke kganya ya mabone feela hore o sa ntsa matha kahara toropo. Tokotoko ke eo o se a re ptjangptjang le e mong molebedi wabosiu. Eo, ka ho nahana hore Kolobe ke e mong wa mashodu ana aomosebetsi wa ona e leng ho thua mabenkele bosiu, a be a se a mo tsotella, ammotsisisa ka thata hore na o behwa ke eng moo ka nako eo. Kolobe ahlalosetsa molebedi eo tsohle tse etsahetseng. Molebedi a utlwisisa, mme akgolwa ditaba tseo Kolobe a mo phetetseng tsona. O bile a mmontshamotebo wa sepolesa o neng o bile o se hole le moo ba neng ba ntse babuela teng.
1.10 E bile foromane. j. Pula ha e ne.
4.9 Kepa o boela hae.
Mangole a hae a keqa, a sarelwa a baka mehau. Ha re a bokolle, feela aithiba. A reteleha, a thonaka katiba ya hae fatshe, a ntano tswa holong mooa hlahlile mahlo jwalo ka lehlanya, le lekgutla eka le mo imela le ho feta. Atswa jwalo a rerile boiphetetso, feela a ntse a re: "Ke leboha lekgutla la ka, Ramasedi."
1.9 Tikoloho eo diketsahalo di etsahallang ho yona palekgutshweng ena ke efe Qolla dintlha ho tswa palekgutshweng tse tshehetsang karabo ya hao?
"Ho he! Ho boima lefatsheng ngwana motho! Mohlomong ke tjheletemohlodi wa nokahadi ena ya ditlhopheho. Le ha ho le jwalo, re lekabophelo, tjhelete ke bophelo, mahlopha-a-senya. E tshwana hantle le nokaena eo ke e shebileng. Ka nako e nngwe e a hohola, e ripitla bophelo, empametsi a yona ke bophelo."
1.4 Polao o lwanne habedi sekolong. Na se sepaka hore Polao ke motho ya leqhoko Tshehetsa karabo ya hao?
"Jwale o wa pota!" Ke Tebello eo ka ho kgena. "O mpuela masawanajwale." "Phephi hle! Motaung wa Ramokgele." Mamohale o bua aphahamisitse diatla. Tebello a tima kerese ba robala e mong a shebilekwana le e mong a shebile kwana.
2.7 Ho lwana ya kgumamela.
Hoja ka ka mpa ka mo tshwarela, ho ka be ho bile molemo! Ho ka be ho bile ho sa hlaha tsena.
E mong wa metswalle ya bona o ba bolella ha a bone Thabo a sela dijo meqomong Hillbrow. Ba tsamaya mmoho le mmaThabo ho ya mmatla. Ka bomadimabe Thabo ha a bona ntatae, o ile a tshoha hoo a ileng a itahlela ka hara tsela a sa e lekola pele mme o ile a thulwa ke koloi. Se entseng hore a balehe ke hore o ne a tshaba ntatae a nahana hore o tlo mo shapa. Ka lehlohonolo ha a ka a lahlehelwa ke bophelo empa o ile a ya le maidiidi. Ha a phaphama sepetlele o ile a bona ntatae mme a tlelwa ke tshabo eo le baoki ba ileng ba e lemoha. Ntatae o ile a mo netefaletsa hore ha a sa nwa jwala le hore o a mo rata. Thabo o ile a amohela taba tseo mme ba kgutlela hae ka thabo hape.
O aparela Manana, o kgahlisa yena, o lora yena feela. Etswe le lekgutlajwale o se a batla a lebala hore o ntse a le jere. Senyesemane le sonamehleng ya morao se a ipatla ho yena, moeka o lebetse hore sekolong o nea itswele a le sehlopheng sa borobedi feela, le hona hara selemo. O tlohetsesekolo hoba a rekelwe motjhini wa ho roka, a tshaba le ho hlola a hlothahlothilwe ke dithaka tsa hae.
Ka mora ho dula hae beke o ile a leka ho ya fumana mosebetsi difemeng.
"Ke sa kgutle ke eng" Tebello o phahamisitse maikutlo?
Phirimaneng eo, Abiele a etsa ntho eo e neng e se e le kgale a e lebetse.
4.6 Ho keketeha.
Mapolasing mosebetsi o ne o le siyo. O neng o le teng toropong, e ne e le mosebetsi wa ho hlwekisetsa bommisisi dijarete. Empa tjhelete eo a e amohelang e ne e sa kgotsofatse ebile e sa tsitsa. Dikgaitsedi tsa hae di ne di pepa di sa tswa pepa. Tse nyetsweng di ne di siile bana ka bobedi ho isa boneng lapeng. Ho tse pedi tse so nyalweng e nngwe e ne e nyantsha ngwana wa boraro e nngwe e lebelletse ngwana wa bone.
2.2 Ho ya ka wena ketsahalo tsena tse latelang di supang Hobaneng o realo?
Ka beha mohala fatshe.
"Ebe o na le leqheka Ntate" Ho botsa Mamohale ka ho tsieleha. "Ee kena le leqheka." Tebello o bua a shebile marulelong a ntlo?
Ya dumaela meropa, hwa re kitii! Phala tsa tlerola hwa re hwaa!
"Mme, ke tla itshwrara hantle. Ha ke qeta dithuto tsa ka ke tla kgutlelalapeng." Tshepiso o tshepisa mmae.
"Mmamojalefa le yena o manganga a tenang." Ho kgaruma Tseko, a se a bopile jwalo ka ha ba mo tsebang ba mo tlwaetse. "Ke ne ke itse ke tla etsa matsapa a hore ke reke koloi beke e tlang. Ke ne ke tla lata ngwana eo wa ka ha bobebe. Jwale re emetse terene."
11.5 Ho ineha naha.
"Salang hantle, ba heso." Ke moruti le mmamoruti bao, ha ba ikela ka yabona le bona. "Re tla teana hosane merapelong ha motswetse a ka o fasebaka." Ho dumedisa mmamoruti, ha a tswa le tse tswang.
3.6 Ho kotsomala.
Ho kena pooneng - Ho nyamella ruri.
Hlalosa ka botlalo mabaka a entseng hore mmaya Kepa a dule polasing. Le hore o ne a etsang ho iphedisa.
A bona moradi wa hae ka koloing, a tshwere lesea.
Tsietsi ya motho wa rona ya eba hore na o tla ya phirimellwa ha mang, ha ho se le motho ya neng a mo tseba toropong eo. Eitse moo menahanoya hae e ntseng e kgelekgetha, e kgokolotsa kwana le kwana, a ya a hopolahore mosadi o kile a mo ngolla, a mo tsebisa hore mora wa bona ya neng akena sekolo se seholo moo Maseru, o ile a fumana ntlo e hiriswangmotsaneng o ka thokonyana ho Maseru wa Qwading, mme o dula honateng. Empa jo! ha Qwading e le motsana o pharaletseng hakaalo, o tla re obatla ha mang. Ruri phalo ya ema le lesemela.
Fana ka mabaka a entseng hore Kepa a nke joyene.
1.1 Ke mang a neng a bua mantswe ana "Ke qetetse Kabelo a sa le monyenyane haholo."
"Ke ne ke re ho ya ka moo o nkotlang ka teng, ruri ha o bontshe lerato la botswadi la sebele, mosa le ona mohau ho nna. Ha o hlile ha o nkotle, o lwana le nna. Lengolo le re, ngwana o lokela ho hlompha batswadi ba hae, mme batswadi le bona ba hlomphe ngwana hobane le yena ke motho mme o kgona ho utlwa bohloko kapa hona ho hlokofala jwalo ka mang le mangya phelang. Ke ne ke le kopa batswadi ba ka hore le lekodisise taba enahantle hobane e tla etsa hore ke inehe naha."
Mamohale e ne e le Mokeresete.
Ka baka la lerata leo ba neng ba shebelletse ba neng ba le entse, haholoholo banana, mosuwehlooho a ba a ya fihla moo ho neng holwanelwa teng. A botsa se etsahalang mme bohle ba neng ba le moo bapaka hore Polao ha se yena ya qadileng ntwa eo, e simollotswe kebashemane bao ba neng ba lwana le yena. Ha sekolo se etswa, ka ho tsebahore ntatae o tla mo etsang a sa mo bopa, Polao a ineha dimenyane.
E sa le madungwadungwane.
6.5 Ho hlophisa ditaba.
Motswalle wa kgomo - Motswalle wa nnete.
3.10 Bojwala ke pheko.
Ho menola tlhabela - Ho baleha.
Mophetwa enwa ke wa mofuta ofe Tshehetsa karabo ya hao?
Sylvester o ile a nama ka mofuta ona wa boitshireletso mme a qetella a mmema ho tla boha ha ba ikwetlisa ka tsatsi le leng. Ke ne ke le mafolofolo, ke na le tjheseho ya ho tseba sephiri sa Takadimane, ka hoo ka hla ka phallela moo ho ikwetliswang teng letsatsi le hlahlamang. Ha ke kena monyako, ke ile ka hla ka bona hore tulo ena e fapane le tse ding tsohle tseo nkileng ka di bona. Phaposi eo ba neng ba ikwetlisetsa hara yona, e ne e hlwekile ho se dithwele fatshe. Moya wa teng o ne o phodile, ho nkga hamonate ho fapana le moo ke tlwaetseng teng. Moo re ikwetlisetsang ditebele teng, ho ne ho nkga lephoka la dieta le ona mahafi.
Secunda pele e fallela mona." ho realo Tebello."Tshepiso, ke bosiu ha re kgutlele kampong, nako e re siile." Ke Lerato ya hoeletsang."Joo! Ke bosiu." Ke Tshepiso eo. "Ha na lebitso la hao o mang""O mpitse bra T, ke dula hosteleng e pela seporo sa terene, nomoro 17.?
Hlalosa ha kgutshwane seo o se utlwisisang ka bofubedu ba letsatsi le tlerefetseng leo e kang le halefetse Kepa.
Ke ne ke thabile ho re Sensei Takadimane o nnamoletse athe kgefutsoeo ke ya motsotswana feela, a boela a nthomella ka hare. Ke tswile moo kekgathetse eka ke qetile hora athe ha ho jwalo. Pelo ya ka e ne e le bohlokoha e le mona ke tlontlollotswe ke ngwanana pontsheng ya bohle. Ke ne keipotsa hore se qetang ho etsahala, se etsahetse jwang ke le motho yamatjato.
O hodisitswe le ho bopuwa ke batswadi ba itlhomphileng ba ratang thuto maemong ohle. O kene sekolo ka sepheo se seholo sa ho ba moruti. Ka hona ha a nka fatshe.
3.1 Abiele o lelekilwe mosebetsing.
Ha a fihla a kopana le ba phuthang ditopo ba tswa ka tlase selomong, bakakasitse seteretjhara, ho sona ho na le mmele wa motho o kwahetsweng.A fihla a kwaholla lesela le kwahetseng, mme a tlallana haholo ha a bonamonna hae a tholetse ruri, a shwele lefu le sehloho, boko ba hae bo tswetse kantle. A bea matsoho hloohong, a se hlabela hloohong hoo batho ba nengba le teng sebakeng seo ba ileng ba iphumana le bona dikeledi di se dikeleketla marameng a bona.
##tebileng, a hlabehileng.
"Hana o ne o re haeno ke Qwaqwa" Ke Tebello a botsang. Tshepiso aaraba, "Ee, ke ne ke tjho jwalo.?
Tlhasenyana ya morusu palenyaneng ena ke hore Tsholo ke kgale a kopa ngwana. Yare ha mofumahadi a imme, a leboha Modimo le badimo, mme a reha ngwana lebitso la Karabelo, hoba a arabetswe kopong ya hae. Mongodi o re okolela feela ka hodimo mme re tshepa hore o tla re tsholela ditaba tsohle ha pale e ntse e tswella.
Karabelo a bontshwa eo e leng yena ntatae ka sebele. Lereko ha utlwahore ke yena ngwana hae eo a mmonang, a seka meokgo. A utlwa bohlokobo sa tsweng madi ha a bona ngwana hae e se e le monna, a se a hodile. HaMmakarabelo le mosadimoholo, mme Mmampontsheng ba ntse ba ipotsahore ba tla qala kae ho hlalosetsa Lereko ka taba tsena, ke ha Karabelo antsha puo.
Ho ne ho se motho ya tsotellang hore ho hlwekile kapa tjhe Mona batho bohle ba ne ba phashaketsa ka maoto, ba iphotlile, maoto a bona ba a hlapile hantle. Dinala tsa maoto le matsoho di ne di ponngwe ka makgethe. Bohle ba ne ba felletse ka hara disabusabu tse tshweu tsa moaparo wa Sejapane. Ho ne ho se motho le ya mong ya meriri e hlahlabetseng?
"A ko iketle hle, Tseko." Ho kgotsa Mmatseko mane moo a ituletsengsetulong. "Ha se wena ya kgannang terene. Le mokganni wa yona ha atsebisise hantle hore e tla fihla neng mona. Nako eno eo o ntseng o enyemotsa letsohong la hao, ha e thuse ka letho qakeng ena. Hoja wa itulelafatshe, ngwanaka. Terene e tseleng. E seporong."
Ha o nahana, kgodiso ya Karabelo na e na le tshusumetso ho holeng le ho nahaneng ha hae kapa bothong ba hae. Tiisa karabo ya hao ka dintlha tse tswang palekgutsheng ena.
Polao o lwanne habedi sekolong. Na se se supa hore o rata ntwa Tshehetsa karabo ya hao?
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!"
A hola jwalo Mohau wa batho hara bomphato ba hae a fetotswesekatana, semamina, seiphumolo sa mang le mang. A fetotswe tsona kgobetsa seotlong hantle. A hoboswa ngwana batho, a jewa ditsheho, ho ya hoile a keketehisa ao mabewana. Empa o ne a le mosa, e le raditshehwane, leha a kgopisehile o ne a kgenela ka hare ka sefubeng sa hae. O ne o ka bonafeela meokgo e se e kopotsa mahlong a mohlankanyana enwa ya lebajana yatseka la mathe, feela e le meokgo e kopantseng le ho bososela ho monahwa mehla.
"Tswela ntle kwana selotjana towe." Kgafetsa ho rialo mosadi wa ntataeho yena Mohau, mora wa hae ka lenyalo e seng ka ho mo beleha. KgafetsaMohau o re feela, "Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi." Kgalefo ya eommae e be e tukang mollo ha Mohau a bua jwalo, a ikgothatsa jwalo. Mmadibetjheng jwale o sa tla komelaka ngwana, a mo sehollake, a motsholele maqa a sa butswa ho fihlela Mohau a re phuru! a ilo hahlwa kemoya ka ntle. Ha a balehela ka ntle jwalo o ne a baka mehau ruri. O mathajwalo a kotlobane a bonela lefatshe haufi, a tsamaya a bidibidika, a be a yo re fatshe putla! O ema ka thata mono moo a wetseng teng, a ntanohlotsetsa pele, a tshematshema jwalo ka ntjanyana e tshwerweng e utswamahe serobeng sa dikgoho. Yane mmae o thabiswa ke ntho tse jwalohobane o nyemotsa Mohau feela ha a sudubana fatshe jwalo, kapa a mofelehetse ka ho re, "Ha e ye kwana!" Mohau yena o boela a ikgothatsa kaho re: "Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi."
"Kwana ke bona ekare ntate Toko o entse phoso e kgolo mme. Lekgotleng la Sekolo la Batswadi, leo ke e song ho bone ntate Toko holona le ha re hlola re ba bitsa hakana, re hatella ka matla hore lere le ojwale sa le metsi. Batswadi ba lokela ho kgalema bana moo ba fosang teng, eseng ba ba sotle. Ha o ka tshwara ngwana hampe, ha morao o fetoha serasa hao. O fetoha setsetse kapa mmolai ya ka nnang a qetella a bolaile wenantatae."
"O mpe o tele, mohatsaka," ho realo Mmapalesa ka lebososelo le monaleo a tummeng ka lona. "le ha nka bina ho feta tswere mohlakeng, nke keka ba ka feta Palesa ho nkgonwae. Le kgale!"
Mobung o batang - Mabitleng.
Ka tsatsi le leng a kopa ntatae ho tla buisana le bona jwalo ka batswadiba hae.
13.2 Tikoloho le nako.
Ka makala ho utlwa ho thwe, "Uss Sensei!"
6.4 Ho etsa matsapa.
"Jwale o se o batlang sethoto towe?
Lentswe la ka le ne le hanella mmetsong, kelello e hana hore karate ha e tsofallwe.
"O phaphame ha o le mona, di tla o tabolela tsena tsa ka ditau. O batlang" Ka nako ena dintja di se di thotse, di bothile, di ntse di tsoka mehatla pela monnga tsona. Ka yona nako eo ha fihla mootlwana, wa moma katibanyana ya Kepa e lahletsweng fatshe, wa e henahena mobung ho fihlela e le putswa e re pududu! A sa maketse hore mootlwana ha o kgalemelwe keng, a jajabetswa ka bohale hape?
"Ke utlwile ngwanaka, nke ke ka mo etsa letho ha a fihla mona. Ke a otiisetsa hore ke tla phethisa dikeletso tsa hao tsohle. Le nna ke le ntataetjena, ke ipona phoso."
Le tholetseng Mantswe ana a ka hodimo, a hlalosa seo o ke keng wa se tlosa kapa hona ho se hanela. Ha se hlatswehe hoba ha se tshila, se jwalo. Ngwana ha e le wa madi a hao, o tshwanela ho bontsha boikarabelo bo boholo ho sa kgathaletsehe hore maemo ke afe. Le ha motho e ka ba tsotsi kapa hlooho ya sekolo, ngwana ha e le wa hae, ke wa hae. Boikarabelo boo ke buang ka bona ke ba hore o hlahe phatlalatsa ho tseka seo e leng sa hao. Sena re se bona ka ho otloloha ha Lereko wa tsotsi a batla ngwana madi a hae ka mora dilemo tse leshome. Teronko e ne e mo arohantse le ngwana wa hae empa hoba a kgutle, a tseka seo e leng sa hae maemo a dumela kapa a sa dumele. Se bakileng kgobahadi ena ya taba le sona o ile a se hlola. Re boela re lemoha re le babadi hore maikutlo le dithahasello tsa botho di ka baka mathata le ditsikitlano tsa meno ho sa hlokahale. Ka hona Kharikhulamo ya naha e ntjha e kgothaletsa hore batho bohle ba tsebe ho hlwaya, ho rarolla mathata le ho etsa qeto ya ho sebedisa bokgoni ba ho nahana ka kutlwisiso le ka boiqapelo ho se tshitiso ya letho. Sena se netefaditswe ke tsela eo Karabelo a rarolotseng ditaba ka teng?
E ne e le ka phirimana hara beke tsatsi le leng, ha motswalle e mong waba ha Abiele, a fihla lapeng la bona mme a ba bolella hore o bone Thabo antse a sela dijo moqomong, motseng o mong wa Gauteng o bitswangHillbrow. Thabo o ne a le makgenefanyana mme a bonahala a hlahafetse.O ile a baleha ha a bona motswalle eo wa bona. Le hoja ba ile ba utlwabohloko hakaalo ka moo ba utlwang ka ho sohlokeha ha mora wa bona ka teng, ba ile ba kgothala hobane ke moo o ne a sa shwa. Mmathabo a hla arerisana le monna wa hae hore ba ke ba ilo sheba Thabo mono Hillbrow.
1.11 Na ya buwang mantswe a hodimo o a itshola na Hobaneng o realo?
Ke ye ke ikemisetse ho bolella Thulare nnete, empa ka mehla ke tjhantshi. Ha ke rate ho mo utlwisa bohloko. Ke bona ho sa hlokahale ho mmolella hore majoro ke motjhanae. Le kajeno ke sitilwe.
Yaba re eme, re eme...
Mmae, Mmathabo, o ntse a bososela feela mane moo a leng teng setofong, moo a ntseng a ba phehela dimenyemenye tseo ba tla tsamaya ka tsona e le mofao hoseng, ka madungwadungwana. "Ntho e nngwe feela eo ke e tshabang ntate, ke metsi a lewatle. Ke utlwile boThabiso ba re metsi a lewatle a a bapala mme a etsa maqhubu, hape ba re a letswai. Keng a le letswai ntate" Mmae a tsheha mane moo a leng teng mme a bona ntatae a batla a qakeqakeha hore na jwale eo potso o tla e araba jwang. Thabo ha a botsa, o botsa hore mollo o fele ho sale tosi! "Tjhe Thabo, jwale o se o botsitse ntatao dipotso tse ngata ngwanaka. O tla tshwanela hore ha dikolo di bulwa feela, hang ha o fihla sekolong, o be o se o botsa mme mmisi hore na ke hobaneng metsi a lewatle a le letswai. Tsamaya o ilo itlhatswa he, o tle o tsebe ho tla ja mme o ilo robala. Hosane re tsoha esale ka matjeke, ka dialla." Thabo a tsamaya a ya phaposing ya ho hlapa le hoja a ne a hlile a bonahala hore ha a kgotsofatswa ke karabo eo a e fumaneng. Hobaneng metsi a lewatle a le letswai?
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: "Terene e a emelwa Tseko." Ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho lata mohatsae le lesea seteisheneng. Mohatsae o tswa kwana Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng. Ke kgwedi ngwana jwale a hlahile, jwale Mmamojalefa le Mojajalefa ba kgutlela lapeng.
1.1 Hobaneng Thabo a iphile dimenyane lapeng labo?
"E mong le e mong o behetswe nako eo terene ya hae e tlang ho fihla kayona." Ho realo moruti ha a phethela. "Ha terene eo e fihla, ba kulang batla fola. Ba tla hlobola mmele ona o bolang le malwetse a wona, ebe ba rurasa nonyana-thaha, ba phukalle sa ntsu, ho haba hae lehodimong. Kaofela, re emetse terene."
1.4 Hlalosa seo jwala bo leng sona ho ya ka mongodi wa palekgutshwe ena.
Modimo o ratile hore a be jwalo. Metoutong a ipotsa haholo hore na ke ka hobaneng ntatae a shebile feela a sa thibe sethibamathe seo sa hae ho nna se mo duba jwalo yena Mohau. Bodutung ba hae a iphumanela kgotso ka ho bala dibuka ka thahasello e kgolo. O ne a qoba dihlotshwana tseo tsa dithaka tsa hae tse mo somang di bile di mo kgala ka lebaka la selota sa hae.
13.5 Mookotaba wa palekgutshwe ena ke ofe?
A fela a itahla Moferefere, a ya ntweng. Mohau a sala hae le ba salang, e leng maqhekwana, bana le basadi. Bona monwana ha o a ba supa ho ya tlhabong, mme Mohau o re "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi."
Mamohale o ne a phela ka thata le hona ho hodisa Tshepiso ha boima. O ne a dula a touta, ebile a ipotsa hore ha e le moo a mo tshepisitse ho tla ha kgwedi e fela, ebe o tla tseba neng moradinyana wa bona Tshepiso. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele. Kgotso e neng e rena ho yena le lapa la hae ka kakaretso e a dukeha jwale.
Ba habo mohlankanyana ya robehileng dikgopo ba dumela molato wangwana wa bona, empa ba kopa hore a se ke a tebelwa moo sekolong.
Ho thwe bitsolebe ke seromo. A ko hlalose taba tsena. Kganyapa e hlalosa boemo bo itseng ba lehodimo. O ka bo bapisa jwang le lebitso la monna eo, Kganyapa.
Ho le nyaya le kolobe - Ho thola tu! ka seo o se tsebang.
Fana ka mehlala e meraro e supang hore lelapa la boThabo e ne e le le mofuthu.
"Ngwana enwa o tswa mo nka kae, mosadi" Mapolesa a ile a mpotsadipotso. "Ntatae o mo siile kae?
5.2 Kgaitsedi tsa Kepa DNatefetswe. A Di na le bana ba bangata. B Ha di na bana. 5.7 Ntate wa Kepa..................... C Di sebetsa ka thata. AO hlokahetse. D Di rutehile. BO nyahladitse lelapa.
Mamohale a foroma ditene tse ngata ka mokgwa o makatsang. A ahantlo ya dikamore tse robedi, e kgolo. A phela ka tjhelete ya ho rekisaditene, a atleha e le ka nnete. A hafa ka nkatana.
Dilemo tse tharo di ile tsa fela tsa feta. Kepa a menahana le mehlala. A fihla polasing eo a neng a holela ho yona, a kgathetse sa ntja ya lekesi. Tsatsi ha le dikela mongodi o re le ne le le lekgubedu. Sena e ka ba sesupo sa hore mohlomong kotsi kapa tsietsi e kgolo pele moo a yang. Tjhe, Kepa ha a ntse a atamela a tlalwa ke thabo ha a bona moo a holetseng. Athe ke selelekela sa maswabi hoba motse e ne e se e le lesupi. Ho neng ho setse ke lelwala leo mmae a neng a le behile pelong ya hae. O ile a dula ho lona, a nahana sena le sane shwalane ya ba ya tshwara. Lelwala leo re ka nna ra le tshwantsha le pelo ya mmae, eo a ileng a dula hodima yona, a e sama lefifing, mathateng a bosiu. Le ha ho le jwalo o ile a bolokeha.
Batho bohle ba nang le maoto ba ile moketeng, athe rona diritsa ledihlotsa re tla itshedisa ka ho boha diketsahalo tsa letsatsi lena mona dithelevisheneng.
Lekgutla ke selota se fumanwang pakeng tsa mahetla, se kang thajana Batho ba nang le sona ba bonahala e ka ba a haella sebopehong. Batho ba bang ba ba kgesa ka lebaka la sebopeho sa bona.
"Hela! na ke wena Moferefere" Ke Mohau eo, a makaletse seqhwalasena se pudufetseng, se siileng mahlo le matsoho a sona kwana Itali, ntweng ya Hitlelara?
Ho sitswa - Ho hlohonolofatswa ka ngwana.
Ke mang enwa eo ho buuwang ka yena qotsong?
Lerato la ho bala dibuka ha le a ka la fella moo. O ile a tswela pele ka ho bala ho fihlela nako eo a furallang sekolo ka yona. Ha a ntse a sebetsa ka tsatsi le leng o ile a bona papatso thelevisheneng e batlang batho ba ka ngolang dipale tsa thelevishene. Monyetla ona o ile a o tlolela hang hang mme ha a fihla kgasong ba dumela ho re a ka tswella pele ho ngola pale ya hae ka mora ho ba a ba hlalosetse seo a lakatsang ho se etsa. Ka tsela e jwalo pale e bitswang, Le tla o tjhabela, ya ngolwa. Ka selemo sa 1991 pale ena ya bapala ho TV 3 dibeke tse 18. Mongodi o ile a leka ho ngola dipale tse ding ka mora moo. Buka ya dipale tse kgutswanyane e bitswang, Ngatana ya patsi ya ngolwa. Buka ena ya mo hapela kgau ho dingolwa tsohle tsa Sesotho ka 1988 tse tlasa De Jager Haum.
Jwalo ka ha Tsholo a ne a tsebahala, ho bile bobebe ho setjhaba ho kahlalosetsa ba thuso ya pele hore mofu ke mang. Ba thuso ya pele ba ile bakopa ho tseba ba leloko la mofu. E mong wa ba teng ya tsebang lelapa laTsholo, a hlalosa hore mofumahadi wa mofu o sebetsa sepetlele sa honamoo motseng wa Mahwelereng. Ba thuso ya pele ba letsetsa mohalasepetlele, mme Mmakarabelo a tsebiswa ka lefu le sehloho la monna hae.
Lesowa - Monna ya sa nyalang.
"Mamohale tlala e re patetse." Ke Tebello eo, ho mohatsae, pele ba isamasapo ho beng. "Ruri, bophelo bo boima."
Nakong ena ditshita kapa ditaba di a rarahana. Di a lohellana di iketse ntho e thata. Ka nako e nngwe molwantshi o tlatswa ke baphetwa ba bang ba kgemang le yena ho lwantsha molwantshuwa. Enwa le yena, taba di senyeha hoo a timellwang le ke ho rarolla mathata a hae.
Diketso tsa baphetwa.
"Tshepiso moratuwa, bophelo bona re bo adinngwe mme ha re tsebe hore bo tla nkuwa neng. Ke ne ke rata hore ke tsebe batho ba heno le wena otsebe ba heso." Tebello a bua a kgathatsehile.
Ke a dumela hore le yena Kabelo o abetswe ke Modimo, Moabi watsohle tse ntle. O a behwa Kabelo kajeno, mme setjhaba se thabile, le hanna ke batla ke ferekane.
6.5 Ho re etlo.
Ke kgwedi tse hlano jwale, Tshepiso a le sekolong Nelspruit. Meriti ethehile, banna ba sebetsang difemeng ba ya phasaphasa, e tjhaile jwale. Tshepiso o tsamaya le motswalle wa hae Lerato, ba ya mabenkeleng. Lerato a kena ka hara lebenkele, Tshepiso a sala ka ntle le diphahlo tse ding.
Ke na le tumelo ya hore le Modimo Ntate o a dumela. O a dumela horeenwa ke ngwana wa setjhaba sena. Le ha ntatae kapa ntataemoholo a ka bamotshomotsho jwalo ka mashala, kapa a ba mosehla jwalo ka nyooko yatlhapi, ke yena ngwana wa bona hobane pela sefahleho sa Ramasedi re atshwana. Ha a behwe! Ke tjho tjee! Boetapele motho o bo fuwa ke Modimo.
1.6 O ile a etsang hore Abiele a fumane thuso?
1.7 Toko o qadile neng ho sotla Polao?
"Ke ntse ke bua le wena, mosadi," a boela a ikutlwahatsa. "Majoro olabalabela ho o bona. Ke nahana hore ona ke monyetla wa ho lokisa ditaba, ka ho hlahella, le ho bua nnete. Re se re okametse lebitla, mme re lokela ho siya re lokiseditse bana ditaba. O lokela ho iteanya le majoro, le hlophiseditaba".
E, jwala ha bo na phoso ha feela motho a sa inehelle bona mme a lekaho itebatsa mathata ka bona. Ha se pheko ya mathata.
Fana ka dintho tse totisang kgohlano ka hara palekgutshwe ena.
Bala qotso e latelang o ntano araba dipotso tse latelang: Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke na le setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena ke ne ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevisheneng mona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile mme ho hlakile hore o phetse hamonate haholo. Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. O ntse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumane ke le ka hara ona. Dilemo tse tsheletseng tsa hore ke tlise yane Mmakabelo mona hae ho fana ka yena, mme ke kgutle makgoweng ho ya ntshetsa tshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo rata haholo, mme ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo ka Gauteng. Yena ha ke hanane le hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ile a hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona. Tsietsi ke tsietsi.
2.4 Mmaletsatsi. D. Monna ya neng a sa be le bana wa morui.
"Ka nnete ho thata mona. Ke tlamehile ho dula dilemo tse tharo komponeng ke sa ye hae, ke sa bone le sefahleho feela sa wa heso. Mohlomongbatshwari ba marapo ba hopola hore ha ke sa tla kgutla ha nka dumellwa ho yahae. E, ke ye hae ke yo bona batswadi, bana beso le metswalle. Mohlomong hanka dumellwa ho ya hae, ha ke sa tla tla mmaeneng."
10.1 Ho beha tau setswetse.
6.1 Hlalosa le ho fana ka semelo sa Tseko ka botlalo.
Ho raroloha - Ho hlapohelwa.
"Ha ho seo re ka se fetolang ka masenenyana a rona." Ho realomosadimoholo enwa ya neng a mametse tsena tsohle ka hlooko. "Modimo o tsebile qetelo, ho tloha qalong. O tsebile pheletso, ho tloha tshimolohong. O tsebile e sa le kgale hore ke bomang ba tla etella naha enapele dilemong tsena tsa bofelo. Le nna ke re ha a behwe!"
Mmatseko o leka ho kokobetsa Tseko ka ho mmolella hore tsohle di a emelwa. O ka tata jwang kapa jwang bophelong, tsohle di a emelwa.
Hanana kapa o dumellane le polelo ena: "Jwala bo rarolla mathata." Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka mabaka o itshetlehile ka dikahare tsa palekgutshwe.
Botahwa bo bohloko. Motho ha e le letahwa, o a kula mme o tshwanetse ho dumela hore o a kula mme o hloka ngaka. Motho wa letahwa o tshwanetse ho dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. Ya jwalo motho o ye a thusehe. Motho ya hlolwang ke mathata mme a hopole hore jwala ke pheko ya mathata, yena o tshwana hantle le motho ya behang tau setswetse. Jwala ha se pheko ya mathata. Ke sesosa sa ona.
E se e le nako e kae ngwana a hlahile?
Tsholo a mo kena hanong, "O batla ho mpolella hore nna kehodiseditse Lereko ngwana Ebile o batla ho mpolella hore nna ha ke nangwana Hao! Banna! Hobaneng ha lefatshe le tshwana le lempetje Ha ore o fumane kgutso le kgotso eo o neng o e labalabela, le a o fetohela, oiphumane o se o tobane le lefifi la bonkantjana." Tsholo a tlosa matsoho aMmakarabelo a neng a ntse a mo pholla mahetleng. A bula lemati la koloi, a tswa. A leba koloing ya hae moo a e siileng ha a ne a fihla sepetlele. Mmakarabelo a botsa monna hae hore o ya kae. A se fumane karabo. Asala ka koloing ya hae ka pelo e bohloko?
Le nna ke a dumela. Ke a tseba hore ke majoro wa ho qetela yabehwang ke ntse ke phefumoloha, ke shebile. Eo taba ke e tsebisisa hantlehaholo. Le nna ke re a behwe, jwalo ka ha setjhaba se dumela hore enwa ke ngwana wa sona.
5.3 Moetapele ya hlwahlwa.
Sesosa sa tlhopeho ya Kepa ke sefe Fana ka ntlha tse pedi?
Qoqa ka puo le setaele sa mongodi palenyaneng ena.
Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla. Ke bona eka selemo sena se thwasang se ke ke sa kodumela re ntse re eja mabele. Neng kapa neng re ka nna ra ikela boyabatho, ra orohela badimong.
Na Takadimane o ne a shebeha a tshaba Kganyapa Tshehetsa karabo?
2.5 Ho nyarela. E. Ba fihlileng pele kapa morao ba ya tshwana.
O itshetlehile palekgutshweng tshehetsa maele ana: Ha ho tume dimelala.
"Mmatefo ke tshwere ke bodutu." Ke Mamohale eo. "Ha ho motho yantshang bodutu."
Ho idibana - Ho akgeha.
Ka letsatsi le leng rapolasi a fihla a ntse a di hlatswa, a mo jajabetsa kabohale. A mmolella hore o botswa, ke kgale a qadile ho hlatswa difariki, empa ha a qete. O tla fihla neng hokong tse ding tse supileng. Pelo ya re anke maranthanyana a hae a itahle a so ka a bewa letsoho. O ne a tla etsajwang A itahla, ho setse dibeke tse pedi pele kgwedi e fela a nto fumanamoputso wa hae. A tsamaya a le moputswa sa masumu wa dithako ke hohloka. A hloka le sente ena e ntsho. Ha se yena ya ka dulelang diranta tsemashome a mararo ka kgwedi, bana ba a lapa hae. Ha a fihla hae a fumanaba lebeletse ka mahlo a mafubedu hore a ntshe tekenyana ho rekwe poonee dithollo. Ba se ba tla leka ho e sila ka lelwala. Ba ile ba qabana le mmae. Mmae o nahana hore ke lelofa le jang tjhelete le dikgarebe, bana ba bolawake tlala?
"E, ke nna Moferefere ntate!"
3.4 Qoqa ka puo le setaele sa mongodi wa palekgutshwe ena.
Moputso oo Kepa a ileng a o fumana ka mora kgwedi tse tharo a sebetsa jareteng ya mmisisi e ne e le bokae?
5.3 Bophelo ke dihaeya.
1.1 Bolela hore boMmatseko ba ne ba dula motseng ofe.
"Ee...eng. O re mang" Ke Mmakarabelo eo a fiela ka dintshi fatshe.A itomaka leleme?
Matahanya maele kapa maelana a hlahellang kholomong ya A ho dikarabo tse hlahellang kholomong ya B.
"Ke tatetse ho bona setloholo sa ka." Ke Mmatseko eo, ha ba theoha koloing ya baeti, seteishening sa Bohlokong. "Ho thwe Mojalefa o tshwana le wena. Ha ho le jwalo, etlaba o tshwana hantle le mofu ntataemoholo, hobane wena o tshwana le ntatao hantle."
"Ke bra T" Tshepiso a araba.
A potlaka a fumana boiphihlelo, tsebo le mafolofolo mosebetsing wa horoka. Motjhini wa letsa molodi nyene le bosiu. A roka dishweshwe, marikgwe le disutu mme a hloma a ba a tuma ka panyo ya leihlo. Katlehoya hae ya mo tlohedisa sekolo, ya mo lebatsa ditsietsi tsa hae, hoo a bilenga tlwaela ho itswakatswakanya le batho ba bangata. Baahi ba Mautse jwaleboholo ba iphetola metswalle ya hae, ba qetella ba mo memetse meketengle dikonsareteng tsa bona. Ke hona moo meketeng e jwalo a bileng a repjang! pjang! le moradi wa Radiphaphatha yane wa ho mo kgaoletsa kahara serapa sa difate tsa diapole a ntse a kgola diapole mmoho le thaka tsahae. A di letsa Mohau ka le leng ho Manana moradi wa Radiphaphatha. Ya wela mobung o motle. Athe o ikenya tshotso dinaleng, o kgahlwa kenone e hlotsa, le tsietsi e se e boetse e mo tjametse Mohau wa batho.
Qalong ya palenyana ena mongodi o re hlahisetsa lelapa le mofuthu la ha Abiele. Re bona ka moo Abiele le mosadi wa hae ba phelang hamonate ka teng, mmoho le mora wa bona Thabo. Moqoqo wa bona o re bopela karaburetso e babatsehang ya pono moo MmaThabo a ntseng a lokisa mofao wa ho ya Thekong letsatsi le hlahlamang.
Ho kgena - Ho teneha.
"Butle mannyeo, jwale o se o bile o tsamaya re ntse re qoqa, ha re soqete ho foroma." Mmaditaba o bua a iqekisetsa. Mamohale a re, "Kgale kebona hore o a ntsheha."
Qoqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena, "Ke mora wa ka."
Mongodi ditaba tsa hae o di qala hae. O re bontsha kgutso le kgotso ya lelapa la Abiele. Ha re sa nkehile ke lelapa lena le mofuthu o mokanakana ka mora leeto le monate la bona la Thekong, re se re kopana le mantswe ana: "Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke Moqabanyi." Re qala re phahamisa ditsebe re rata ho ka tseba ho re e be ke mang enwa ya sehloho hakana. Ha re ntse re tswella pele ho bala re utlwa ka moo mongodi a solang jwala ka teng.
Tsela e telele e yang habo kwana dipolasing. Le bese e tsamaya hang ka beke. Ho ntse ho tshwana. Motho o theoha hole kwana. A leka ho supa ka monwana empa dikoloi tsa iphetela feela, etswe ke tsa borapolasi. A fihla polasing eo a holetseng ho yona a kgathetse, letsatsi le dikela, le tlerefetse.
"Ke a tseba Mme." Ho realo Thulare a ema, a ntjheba ka lerato. "Ke atseba hore jwalo ka ngwana wa hao ya tswetsweng a inotshi, o nkgodisitseka thata, mme o nthata haholo." A bososela. "Le nna ke a o rata haholo."
4.4 Ho ikela bo-ya-batho.
Ho phahla makunutu - Ho nya matsete; ho ntsha sephiri/lekunutu/pinyane.
3.7 Metsi a lewatle a letswai.
Meya e farasitse. Maikutlo a sithabetse.
Kgabane ya rona Polao, o ile a tswa a tsamaya mme Toko le mosadi wahae ba sala ba di tshohla mabapi le tletlebo eo ya mora wa bona. Mmatokoa leka ka matla ho bontsha monna wa hae diphoso tsena tseo a di etsang lehore ngwana ha a lokela ho be sa le a otlwa ka mehla.
Kolobe o fihlile mapoleseng moo eka lehlanya. Diaparo tsa hae di ne ditabohile, e le malolo feela. O ne a pudukane ho tloha hloohong ho ya tswamaotong. Sefahleho le matsoho a hae di ne di tletse mengwapongwapo eileng ya bakwa ke difate le majwe nakong eo a neng a ntse a kolokotjhanale dinokwane mane morung. O ile a tlalehela mapolesa ditaba tseo jwalo kaha di etsahetse, mme ona a di ngola dibukeng tsa sepolesa. Ho tloha moo, mapolesa a mabedi a mo nka ka koloi ho mo isa ngakeng. Eitse hoba ahlahlojwe ke ngaka, mme a be a tlamiswe maqeba, mapolesa a kgutla leyena ho ya motebong wa ona. Ha ba se ba fihlile le yena, e mong wamapolesa, ya neng a bonahala e le yena mookamedi, a kgothaletsa horeKolobe a tle a hlole bosiu boo hona moo motebong wa sepolesa. Ha ebajwalo. Bosiung boo, motho wa rona ha a ka lala a bo hlothile. E ya nne reha eka o tla kopanya dintshi, a lore toro e nyarosang, a be a rarolohe habohloko, a bile a fufuletswe hampe. O ne a lora a lwana le mora wa hae, Phakiso. Torong eo ya hae e bohloko a ipone a bile a bolaya eo mora wahae. Toro eo e nnile ya mo pheta jwalo ho fihlela bo ba bo esa.
Ho fela pelo - Ho teneha.
Ho ja masapo a hlooho - Ho nahana ka thata.
"Tshepiso Moratuwa." Ke Tebello eo. "E se e le nako e telele jwale retsebana. Tshepiso a dumela ka hlooho.
Ha Mmakarabelo a ntse a eme le monna Mateneng, Karabelo ke ha afihla ho tswa sekolong. Ngwana o maketse hore ebe ho etsahala eng lapenglabo. O bona ho phethesela batho. O bona le mmae a lla. A botsa mmaehore ho etsahala eng. Mmakarabelo a bona hore o tlamehile maoto lematsoho hore a bue nnete, a mo bolelle ntho e nngwe le e nngwe. Le ha hone ho le boima o ile a qetella a mmolelletse nnete. Ka mora hore Karabeloa utlwe tseo tsohle, o ile a bokolla seboko se bohloko, se otlang pelo. Empajwalo ka ngwana e motona, o ile a qetella a amohetse maemo a ditaba le hasena e le lerumo le hlabileng pelo ya hae ha bohloko. A teana le ketso tsebohloko a sa le monyane Karabelo. A le feela dilemo tse robong a le holena la meutlwa le ditsikitlano tsa meno lefatshe.
Hobaneng ha Mmamojalefa a ne a tsekeletse ho tlo bona matsalae?
3.8 Boritjha ke dipere tse ntle tsa mojaho.
Kgodiso ya Mohau ha se e phethahetseng. O kgeswa ke bomphato ba hae le mosadi wa ntatae ha a mo rate. O dula a mo soma ka sebopeho sa hae. Ha se bona feela, le baahi ba motse wa habo ka kakaretso ha ba mo rate. Se thabisang ka Mohau ke hore o ananetse sebopeho sa hae ebile o leboha Modimo ya mo fileng sona. Mongodi o bula pale ena ka teboho ena ya Mohau ebile o kwala ka yona qetellong ya pale ena. Pale ena e jere diketsahalo tse mmalwa tse etsang hore babadi ba itekole kgafetsa hore e be ba jwang bathong ba haellang. Pale e qala hantle re bona Mohau bonnyaneng ba hae a kena sekolo le ka moo a neng a sebetsa hantle ka teng sekolong. Ha a phoqwa ke mosadi wa leqwetha a sa re o fumane mosebetsi, morero o mobe wa mosadi eo ka ho hana ho nka Mohau mosebetsing o a pepeswa. Ke elwa a ineha naha le moshanyana eo ya neng a mo file mosebetsi.
Mathata a hlwa manolo hodimo - Ho boima.
1.4 Hobaneng mophetwa eo a ne a mo kgothaletsa ho etsa jwalo?
"Ngwanaka ke tshwenyehile, o se ke wa tsamaela ruri jwalo ka ntatao."Ho realo Mamohale.
Ha o nahana sesosa sa hore kgaetsedi tsa Kepa di pepe hakanakana ke sefe Ho dula mapolasing kapa tlhopeho. Tshehetsa karabo ya hao?
Ka mora kgwedi tse tharo, Mmatoko a fola mme a kgutlela hae. Polaoyena o ne a sa tsejwe moo a neng a felle teng, esale ho tloha mohla moneneha ntatae a ne a batla ho mo rinya.
Mohlang moputso wa hae o fokoditsweng ka diranta tse tharo o ile a utlwa bohloko hoo a ileng a nka qeto ya ho thoba hona bosiung boo. A iphethetsa ka ho utswa diradiyokhasete tse pedi dikoloing. A di rekisa lekeisheneng. O fihlile hae ka tjhelete e bonahalang mmae a ba a thaba.
"Hobaneng o botsa!" Mamohale o bua a befile.
"Tjhe!" Ho rialo Mamohale. "Nke ke ka sala monna morao, ntse ke enale matsoho le kelello."
Fana ka mookotaba wa pale ena o be o qotse dintlha ho tswa paleng tse o netefatsang.
Mesikaro ya sesole e boimahadi le dieta tsa teng dirifi tse kentsweng tshepe diretheng, a ka di kgona ka afe matla Tjhe, yena mmele wa hae ha o a ballwa dikulo. Dikgau tsa bonatla ha se tsa ba jwalo ka yena. Tseno tsohle tlhaho ka mohau wa yona e mo sireleditse ho tsona, ya di sithabetsa mahetleng a bahlankana ba dikgoka, boMoferefere?
D Khasete le radio tse pedi.
Tebello o bua a le motlotlo.
"Ha se mora Mataboha," ba bang ba realo. "Kaofela re a tseba hore kengwana wa moradi. E ke ke ya eba mora wa Mataboha ho hang! Ntatae hare mo tsebe."
Mmampodi wa Teransefala, motswalle wa mopheti wa pale, e ne e le mang?
"Ebe ha habo ke kae yena eo ya tshabehang" Mmaletsatsi o ile akgaruma ka ho kgena ho hoholo. "Eka a ka hatwa ke terene ya mashala.?
Abiele motswalle, ke o kopa ntho e le nngwe feela mothating wa jwale.
Hlalosa ha kgutshwane ka semelo sa mophetwa enwa Kepa.
Ho ikokobetsa le ho se nyatse batho ba bang ho sa kgathalletsehe boemo ba bona kapa bong ba bona ho supa hlompho. Moo hlompho e leng teng ho phelwa ka kgotso le kgutso ka mehla.
1.2 A mo jajabetsa ka bohale. B. A itsamaela.
Ra tsheha, ra keketeha, empa nna ka iphumana setsheho sa ka e le semenomasweu feela.
"Mmamojalefa o itse a ke ke a emela beke e tlang." Ho arabela Mmatseko."O itse o nkgopotse ho feta lentswe lena kgopolo. O itse a ke ke a kgona ho sesa bosiu bo bong hape moo Thekong.""A ko bone jwale," ho ntse ho tletleba Tseko, "e kae jwale yona terene eo Le hoja e se ka ngwanaka, nkabe ke kgaohana.""A ko iphe kelello hle, ngwanaka." Ho realo Mmatseko, a tonetse Tseko mahlo. "Terene e a emelwa. Tsohle di a emelwa. Le ha re ka tata jwang kapa jwang, ha di na taba le rona. Jwalo ka ha Mosotho a bolela, monokotshwai ha o ke o butswa ho ya ka thato ya tshwene. Beta pelo hle, Tseko. Terene e a tla. E tlamehile.?
13.3 Kepa o fuwe joyene ya kgwedi tse tharo.
Tsatsi le latelang leo, hoseng mosadimoholo Mmampontsheng a fihlaho tla dula le moradi wa hae nakong ena ya mahlonoko. Mosadimoholo kakelello ya boholo, o ne a tseba hore ena ke nako eo moradiae a sa lokelengho dula a le mong. Ke nako eo a hlokang mokgothatsi ka yona. Moradi haa mmona a mmontsha mathata a mo baketseng ona. A botsa mmae dipotsoa sa tswa mmotsa dipotso. Ho ena le hore mmae a arabe dipotso tsa hae, keeo mosadimoholo o a lla, o kopa tshwarelo.
Dikgomo ha di na motlohapele - Motho le ha a ka tloha pele kapa morao, ho fihla o tla nne a fihle.
Kgele, ya eka a kabe a sa mmotsa. Tsholo a tonela tlereke mahlo. A moja ka bohale, a re "Ke kopa o mpitsetse mosadi wa ka. O tlohelle ho nna ompotsa masawana ao o ntseng o mpotsa ona." Yaba tlelereke ha e sa emelaho utlwa a mang. Ya hlokomela hore ditaba ha di sa le setlwaeding. Yaletsetsa mohala kantorong ya boMmakarabelo. Ya arabelwa ke e mong wabaoki. Eo a tsebisa Mmakarabelo hore o na le moeti ka phaposing yakamohelo ya baeti. Mmakarabelo a makala, a ipotsa hore ke moeti wa engmosebetsing. A potlakela teng.
"Diterene tsena di na le ho iphetola mahadima, empa di jere maphelo abatho." Ho tletleba ya ileng a bua lebitsong la lelapa. "Bakganni bana balokela ho kgalengwa."
O qetella a fumane wa ho hlokomela le ho fepa dikolobe. Bommisisi bao a ba sebeletsang ha ba mo lefe hantle. O utswa radiokhasete a di rekise. A fihla habo a le mmethe. Mosebetsi o fedile, o tshwanela ho ya lokisa pasa. Basebeletsi ba mmuso diofising ba mo tshwara hampe, ha a fumane thuso. Qetellong o utswa dikgoho tse pedi motseng ho ya di fa bomabalane hore atle a fumane mosebetsi dimmaeneng. Ha a le dimmaeneng o hlolohellwa habo.
1.9 Kgohlano pakeng tsa Toko le Mmatoko e bakwa ke eng?
"Monna wa ka Tebello le wena moradi wa ka Tshepiso, esale ke lelebella, le ntshepisa hore le ya tla. Jwale le entse ngwana le le babedi." Horealo Mamohale.
Mmatoko o ne a se ntsha hloohong, a bokolla ha bohloko. Baahisani baile ba phallela moo ho bona se hlahileng. Ha ba fihla ka tlong ba fihlelaMmatoko a pitika, a meneka fatshe mme a hoeleditse jwalo ka ha eka hoshwele motho. Ba ile ba ya bitsa koloi ya bakudi ho mo isa sepetlele.
Hlalosa semelo sa Toko.
"Ngwanaka, mohlomong o tla fihla haufinyane. Ke nahana hore o tshabile ho tla kwano lapeng ka baka la hoba a tsebile hore o tla tla kwano ho tla re tsebisa taba tsena tse etsahetseng." Ha arabela Mmatoko.
"Ho ho hlile ho jwalo, ngwanaka." Ka ikutlwa ke se ke bua ka lentswele leng, leo ke neng ke sa le tshwantshe le la ka.
Ena taba Thabo a se ke a e emela. A ipha dimenyane. Sena se re hlakisetsa ka moo diketsahalo di tswalanang ka teng. Mongodi o lohile thapo ya hae ka bokgeleke bo babatsehang. Ketsahalo e nngwe e tswala e nngwe. Mokgwa oo e hlahellang ke mokgwa o amohelehang o re o fumanang le bophelong ba rona ba nnete. Ha Thabo a balehile hae re bona mmae a tlalatlala le naha ho mmatla. Sena se tiisa taba ya hore mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng. Ke ofe mosadi ya ka robalang a sa tsebe moo ngwana wa hae a leng teng?
"Tseo e sa le dinyane." Ba bang le bona ba hlaha ka nqena ka tsa bona."Ho thwe le yena mmae e ne e se moradi wa Mataboha. Ho thwe o ne a mofilwe ke ngwananyana ya itswelang makgoweng kwana. Lona ha le tsebe."
5.2 Ho lla sa mmokotsane.
Ha e le ena phutheho e a tsanyaola.
Ho sa phetseng ho mmakatsa ke hore haesale ke qadile ho ikwetlisetsakarate, ho fedile dikgwedi tse hlano ke sa lwane le motho. Ba neng bankgorohela, ba batla ditaba, ke ne ke ba hlokomoloha, motho wa teng a bea swabe. Ke ikemiseditse ho tswela pele ka tsela ena ho fihlela mohlang oole nna ke tla bitswang Sensei Mokgashane. Ke nna wa pele ya tsebang hore moepa oo ke tshwanelwang ho o hlwa, o boima empa ha ho letho leemang tseleng ya motho ya nang le tjheseho.
Ho realo Tseko, hoba a dule fatshe. "Ha se hantle hore batho ba emele terene nako e telele hakana. Terene ha e a lokela ho nanya sa kgudu. E lokela ho haba dibaka. Bakganni ba lokela ho rutwa."
##botsa, dikeledi di theoha marameng. Tshepiso a tshoha haholo.
Yaba re eme, re eme...
2.10 Ho utlwa bohloko bo sa tsweng madi.
Thabo a ipha dimenyane lapeng labo. O ne a ke ke a mamella ho hlola a tetekilwe jwalo ke ntatae. Pelo ya Mmathabo ya utlwe bohloko bo sa tsweng madi. A lala a batla ngwana empa a sa mo fumane. O mmatlile hohle dipetlele le dipolokelong tsa ditopo empa a sa mo fumane.
Ngwana ke wa ka. Ha ke a lebella dikgathatso kapa tsona ditshokodiso. Banang le dikgathatso ho nna ha ba ne ba phela ba ne ba tla o bolella ho re bajwalo ke ba etsang. Nna ha ke kopane le masawana.
1.8 Ha Mmatoko a hlokahala polao o ne a le kae?
5.2 Ho ipotsa letoto la dipotso.
Bolela hore ke nnete kapa mafosisa.
Ha sekolo se etswa, mosuwehlooho a tshwanela ho ya tsebisa ntataPolao le mmae ka taba ya moshemane eo ya robehileng dikgopo ekasita leka diketso tseo tsa Polao. E re ka ha o ne a sa tsebe maemo a moo lapeng, ka mora moo a ikela ka kgotso.
Polasing ya difariki Kepa o ne a sebetsa eng?
Mantsiboya batswadi ba hae ba ne ba botsana hore na ekaba o lebile kaeha e le moo a ne a eso fihle lapeng. Moo ba sa ntsaneng ba botsana jwalo, mosuwehlooho a fihla moo lapeng.
"Ke bra T." Tshepiso a araba.
Monokotshwai ha o mele ka thato ya tshwene - Dintho ha di loke ho ya ka thato ya motho. Letlalo la motho ha le thakgiswe - Motho ha a hlokahetse sesosa sa lefu se a phenyekollwa.
Ke ile ka ba ka kgutla ntlwanatshwana ho so be le ba lelapa la habo batlileng. Ke ile ka utlwela hore Mpontsheng o nyetswe ke mosuwehloohowa sekolo se phahameng sa Mahwelereng. Ke moo ke ileng ka qala ka hoetsa diphuputso tsa hore ke tla o fumana jwang, ho fihlela ke fumanaaterese ya hao ya mangolo ho e mong wa metswalle ya ka e o tsebang.
E, ke tjho tjee! Ke tjho tjee, empa ke buela tlase. Hantlentle ke bua kapelo hobane ke tshaba ha kamano ya ka le majoro e ka tsejwa. E ka nna yammakela mathata. Le nna ha ke rate ha lefatshe le ka tseba hore nkgonwae o ne a sebetsa dikitjheneng, a etsa le ha ekaba ke eng. Nke ke ka ba katsebahatsa taba ena. Ke tla ikgutsetsa jwalo ka lefatshe. Ke tla hle keikgutsetse jwalo ka lona lebitla lena le nkemetseng tu!
Tse ding tse amanang le tlhahlamano ya mabopi a moralo, ke puo le setaele. Semelo sa baphetwa le mookotaba di hlaloswa ho ya ka bokgeleke le bonono ba mongodi. Mona ho sebedisitswe mokgwa wa ho hlalosa ntlha ya manollo ka ho fana ka mehlala ho tswa paleng e itseng. Hona ho bolela hore o tla lokela ho bala tekginiki ena, mme o bapise dintlha tsa yona le dipalekgutshwe tse ding ho di utlwisisa hantle.
Mapolesa ke batho ba bohlokwa setjhabeng. Tiisa ntlha ena ka ho qotsa ho tswa palekgutshweng ena.
Nakong ena tsena tsohle di ntseng di etsahala, baqolotsi ba ditaba bakena ba sa tswa kena lapeng ha Mphutlane. Bang ba ne ba tswaseyalemoyeng sa setjhaba sa Mahwelereng seo maqhubu a sona a kgaso afinyellang motseng wa Mehloding, ha ba bang bona ba ne ba etswadiyalemoyeng tse ding, dikgasong tse fapaneng tsa dithelevishenehammoho le ba masedinyana ba ne ba fihla ho tla utlwa ditababoholo hotswa ho mofumahadi wa mofu. Mmakarabelo o ile a bona ho le molemo ho re a bue nnete ho bohle ba batlang ho tseba ka sesosa sa lefu la monnae. Lebaqolotsi o ne a ba bolella nnete e tswileng matsoho.
Ke ne ke itse ke tla isa ngwana ho mme, empa ke ile ka swaba, katshaba. Ha nka ba ka bolella mme, leha e le mang kapa mang. Taba ena ene e le pinyane. Ke ile ka sebela Mmaletsatsi feela ha ke kgutlelamosebetsing, mme mmoho re ile ra sala katleho ya lelapa lena la Matabohamorao, jwalo ka batho bohle.
Ka selemo sa 1980 Lekgotla la Kgaso la Sesotho le ne le keteka dilemo tse 20, mme a hapa moputso wa pele boqaping ba dithothokiso. KPD Maphalla o ngotse ditshwantsho tsa seyalemoya tse robedi. Radio Sesotho e ile ya mo thoholetsa mosebetsing ona wa hae o hlwahlwa wa boqapi. E ile ya mo nehela lengolo le mo tlotlang ka lemo sa 1984. Ka lemo sa 1985, lekgotla la bangodi la Lesiba le ile la hlophisa ditlhodisano tsa bongodi bo hlwahlwa, mme a ikgapela tlholo ya mohope o potolohang wa Mongodi Moiloa. Hara dibuka tseo a di ngotseng, re ka qolla tsena, Tshepo le metswale, Tshiu tseo, Mahohodi, Fuba sa ka, Tahleho, Kgapha tsa ka, Tefo, Kabelwamanong, Sentebale, Tsie lala, Dikano.
Palekgutshwe ena e itshetlehile ka bophelo ba mophetwa a le mong feela, yena ke Kepa. Kepa ke monna ya ratang lelapa la habo haholo. O etsa sohle se matleng a hae hore ba phele hantle. O na le mamello, o kgona ho emela tshotleho. O ikokobeditse.
Kepa a rola katiba, a e lahlela fatshe, dintja tsa mo bohola, a nna a di phoka ka mona le ka mona. O se a tshaba le ho re "fotseke", ntjeng tsa benghadi. Beng ba tsona ba halefa hampe ha o tjho jwalo. Ha ke re jwale di tshwarwa jwalo ka batho, ba hodimo le hona. Le batho ba bang ha ba ba hlomphe jwalo ka dintja tseo tsa bona.
Mmakarabelo o ne a tobane le moepa o moholo. Ke bolela ona omolelele wa monyolosathaba. Empa Basotho ba ye ba bolele ba re, "Hoboima ho mofu ho qoba lebitla" Ee, ho ne ho feela ho le jwalo kaMmakarabelo. Motho wa batho o ne a sa tsebe hore a qale kae ho hlalosaditaba. Empa ho ne ho le thata ho ka qoba potso ya Tsholo, hobane eo leyena o ne a se a hobotse mahlo. Tsholo o ne a bonahala hantle hore ha abatle ho bolellwa dintho di hana ho fela. Seo a neng a se lebelletse kekarabo ya potso ya hae, e seng ho hong.
Mojalefa a be a se a di letsa ho Manana. Ngwanana a di amohela Mojalefa a eso qete le ho bua. Tsa lla tshepe tsa lenyalo, hwa jewa dikuku le nama.
3.9 Abiele o ne a sebetsa merafong.
Ka boela ka phefumolohela tlase, ka tadima Thulare le lelapa la haemane moo ba ntjhebileng, ba maketse hore ditaba ke dife.
Menyepetsi - Meokgo Mohlolohadi - Mosadi ya hlokahalletsweng ke monna.
Bophelo bona boo Polao a bo phelang bo etsa hore a tshabe sekolo.
"Ke ntse ke re o tla kena le Polao monyako. E be o fetetse kae ha sekolose etswa" Ho botsa Mmatoko?
"Tshepiso, ntata ngwana hao ke mang" Ho botsa Mamohale?
Ha ke na le bonnete bo tletseng ba hore ke ne ke rata Qamboza, empaha ke ne ke le haufi le yena, ke ne ke thaba haholo. Ke ne ke sa tshwarweke bodutu ha ke ne ke le lehlakoreng la hae. O ne a tseba ho tshwaramotho he eo mohlankana wa Zambia. O ne a sa tshwane le motswalle wa ka Mmaletsatsi ya neng a nkomela nyene le bosiu. Maletsatsi o ne antshotshothela le ho feta batswadi ba ka bao ke neng ke ba nka e ledikgalala tse kgolo ntlheng tse jwalo. Pela moratuwa wa ka ke ne keqhanolla. Nako ke ne ke sa e tsotelle.
Mona ke moo ditaba di phethelwang, mme ha di phethelwe le bothata. Qaka kapa yona tshita e neng e le teng, e se e rarolohile kapa tharollo e fihletswe. Kolobe o ne a fetohe, e ne e se mothwana jwalo ka pele. O ne a qale ho tsamaya kereke le ho kgothaletsa batjha ho tlohela diketso tsa botlokotsebe. Mosebetsi ona o bile motle haholo, mme a fetoha moetapele ya hlwahlwa. Bohle ba mmoho empa e seng ka tsela e neng e lebeletswe.
Mehla ena hoseng e le lebese ka papa, ka tinare e le mokopu ka papa, ka nako e nngwe e be moroho le papa. Motsheare a fuwa kofi e tjhesang ka lebekere la oli, le borotho bo thata bo omeletseng bo meqilweng ka sereledi. A phoqeha ha a fumana hore ha kgwedi e fela o fuwa di ranta tse leshome, ha thwe e nngwe o tla e fumana ha kgwedi e se e le hare. Ka pelong o ntse a ipotsa hore o amohela bokae A utlwa a tshaba ho botsa hobane ho itswe batho ba dipolasing ba a hlompha. A utlwa tsheponyana e le teng hore o tla lefshwa. A sebetsa ha monate le ka boitelo. Ka nako e nngwe a hle a ntshe matla a hae kaofela. Ba thabe bommisisi. Ka nako e nngwe teboho e be hempe e kgolo ya oubase, kapa dieta tse kgolo tse seng di sa sebediswe. Ha kgwedi e fela a ekeletswa ka diranta tse hlano. Pelo ya qala ho nyahama jwale. Mmae le yena o ntse a re a romele tjhelete tlala e pokile. Kgweding ya boraro tjhelete ya rojwa ka diranta tse tharo, a se ke a fuwa lebaka. Ha re a lle. Bosiung bona boo a tlama thotwana ya hae a itahla. A so ye le hojana a bona ho le molemo hore a iphetetse. A utswa diradiyokhasete tse pedi dikoloing, a ya di rekisa lekeisheneng. A fumana tekenyana e tshepisang. Mmae a thaba ha a fihla hae le lethonyana?
Motseng wa Mautse ha dubeha ha baahi ba teng ba utlwela tse etsahetsengha mmuelli wa bona ya lokileng hakaalo. Banna le basadi ba hlollwa, ba re hoetsahetse kgoba e se setapong. Ebe leqhwetha le ne le kenwe keng ha le tla yathonaka noha eo ya mosadi le e kenye ka lehafing! Kapa ke hona hoba moloi asa mele ditshiba Hona mosadi eo wa hae o kenwe keng ha a ilo ineha naha lengwana ya neng a ka nyala baradi ba bona Na ekaba molao wa botho o sa leteng lefatsheng, kapa na lefatshe le a timetswa Menate ya sebe e matlahakaakang e beng e nyahladise mosadi matletsetletse, monakaladi wakebolelwa, e be o hobosa mora wa hae, o mo fetola monna?
Ho ntshana se inong - Ho bolellana makunutu ha le le metswalle ya nnete.
Ka utlwa koloi e ema ka ntle, mme ka tseba hore ke Thulare le lelapa lahae, ba se ba kgutlile moketeng wa peho ya majoro. O behilwe Kabelo. Obehilwe ka makgethe a maholo, ngwanangwanake.
5.2 Dikgomo ha di na motloha pele.
Mohau a atleha ka ho roka a ba a tlohela le sekolo. Ha phokotho tsa hae di tshwetshwetha batho ba Mautse ba neng ba mo kgesa ba a mo atamela ba mo memela le meketeng. O ratana le Manana ya sa di hadikelang ho di ja. O mo bolaisa ka bahlankana ba hae ba bileng ba mo somang hammoho le yena Manana ya mmitsang sekokotwana. Bahlankana ba Manana ba fekisana ka dithipa le dithunya.
Kepa o hlahetse kae?
Toko le MmaToko ba ne ba na le ngwana ya bitswang Polao. Ntatae o ne a mo phedisa ka thupa. Mmatoko o lekile ka makgetlo ho lemohisa monna wa hae hore a tlohelle e be e sale a shapile ngwana, empa Toko ha a ka a mamela. MmaToko o qetetse a sa hlole a bua hobane Toko o ne a sa mo mamele.
Empa tsena ha di a ka tsa kena hantle ka ditsebeng tsa mokola. A nna aphehella ho tshwara mora wa bona feela jwalo. Ha tsena di ntse di etsahala, mofumahadi wa hae o ne a ntse a leka ho mmontsha kotsi ya ho hlola ashapile ngwana ka mokgwa oo.
"Tjhee, o a mo rata e motshomotsho enwa." Ho kile ha realoMmaletsatsi ka le leng, ha ke fihla le Qamboza, re itswela moo reitswelang, mme ke fumana a nkemetse monyako wa phaposi ya ka. "Ha e lenna ha o sa na nako ya ka ho hang." Mmaletsatsi esale a nthata.
2.10 Ba mo hlwa setha.
13.5 Pasa ya Kepa ke yona e entseng hore a se ke a fumana mosebetsi.
"Mme, ke tla leba kae ha le wena o sutha pela ka" O a lla. "Polao o boetse o ineile naha. Na jwale le wena o batla ho arohana le nna Joo! Joo?
Ke eng se ileng sa fetola botho ba Toko.
Tshepiso o pasitse sehlopha sa leshome ka bokgabane. Mmae o mohlabetse kgoho e nonneng, o thabetse ha a pasitse ka bokgabane. Tshepisole mmae ba tekile tafole.
1.7 A leka ho supa ka monwana. G. Ba thetsehile.
Bolela hore ke nnete kapa mafosisa.
E re ka ha ngwana a ne a ntse a ikgolela le ho kena sekolo, a qetella a sea sa hlole a rata sekolo. Yare a ntse a le moo sekolong, a boela a lwana le basehlopha se seng sa bashemane ba sekolo. E re ka ha ntwa e le ntwa, alwana ya kgumamela ka ha ba ne ba bile ba mo hlwele setha. A otla hloohoya tsotsi hore e tlole lerole mme mamina a kopane le mokola. Moo baelellwang hore setebele sa Polao se ntsha molodi jwang ha se fosa motho. Ba menola tlhabela, empa bongata bo rapalletse fatshe. Yena a kgathetseebile a tletse mekola ya bao.
Kepa o qetelletse a tlotse molao habedi. O entse eng Hobaneng a ile a etsa tlolo ka nngwe ya molao?
Mamohale a beha bebele, a tswa ka tlong ha a bona koloi e ema ka ntle.
Mmathulare o hlahiswa e le mophetwa ya ithatang, ya mafolofolo, ya tshepileng ho itshwarela ka matsoho a hae. O ne kgona ho rokela batho diaparo ka nako ya hae ya kgefutso. Ke mophetwa ya neng a kgona ho phethisa seo a neng a ikanne ka sona. Sena re se bona moo a neng a ikanne ka hore a ke ke a kgathatsana le moradi eo a neng a fanne ka yena.
Metsotso e mashome a mane a nang le metso e mehlano, ka mora horekotsi ena e sisimosang mmele e etsahale, koloi ya Mmakarabelo ya hlaha ehabeleditse ho ya borokgong, moo dintho di etsahetseng teng. Mosadi wabatho a ferekana le ho feta ha a bona mokgopi wa batho pela borokgo. Abona hantle hore ke nnete moratuwa wa hae o mo siile ho la mahlonoko lefatshe.
Ngwana madi a ka - Ngwana eo ke mo tswetseng.
Ho qhahama - Ho phahama.
Moeka o nahane hore ke mangolo ana a mehla a bathaoti ho tsakgwebo, a mabenkele, a diakhaonto tsa dikoloto le tsa banka, hammoho lea mosebetsing. Empa o ile a makala ha a bona anfolopo ya lengolo etempilwe ka setempe sa Mehloding. A qala ho makala hobane ha ba ke bafumane mangolo a tswang Mehloding. Mohwehadi wa hae ha a batla ho ditshohla le bona, ha a ngole mangolo empa o letsa mohala.
"Wena" A tjho a ntshofetse ngwana motho. A so arabe le ho araba motho wa batho a mo ja ka bohale. "Le bue, melongwana ena ya lona ha e a ruruha. Ha e ruruhile le tle mona mohla e fodileng. Nako ya ho thethelwa ke banna ha ke na yona?
Majoro e motjha a hla a ala leleme phate, a ntsha mabinabine a pelo yahae. Yaba setjhaba se thehile tsebe, se tsota bokgeleke, bokgalala lemaikutlo a phodileng a baetapele ba batjha, ba kajeno.
1.1 Ke mang enwa ya tlileng ho tlaleha tsa ntwa ya Polao?
Ha ke tshwanetse ho araba, ke ile ka tsilatsila, kelello e sa hlaka hantle.
1.6 Hobaneng Polao a ile a baleha habo?
Lere le ojwa le sa le metsi - Ngwana o kgalengwa a sa le monyenyane.
Ke Moqebelo, tsatsi le tjhesa le le ka marung, ke hosteleng ya bra T. BraT o kopile Tshepiso hore a mo etele. Bra T o rekile senomaphodi ledikuku lebenkeleng la Chali.
Jwalo ka ha ho se ho boletswe pejana ho re diketsahalo di tswala tse ding paleng ena, ho tsamaya ha Thabo lapeng ha etsa hore ntatae a tlohele jwala ka thuso ya motswalle e mong wa hae. Tsena tsohle ekare re a di bona ha di etsahala. Re bona ha ba hlaha Thabo lesumatha a sa sela meqomong a be a tshola tlhako morong a thulwa ke koloi ka sehloho. Re bona mokgwa oo Thabo a tsitsipanang ka ona ha a bona ntatae mane sepetlele. Taba eo e utlwisa Abiele bohloko a be a tiisetsa mora wa hae hore o a mo rata le hore ha a sa nwa jwala. Thabo ya lelapa lena e a kgutla, mme ba kgutlela lapeng ba thabile bohle.
Terene e a emelwa.
Khotso Nkhatho ke mongodi. Hara ditshwantshiso tsa radio tseo a di ngotseng re ka qolla tse tsebahalang haholo e leng, Radiketane, Mmamaririelle wa kalamajweng le Ba dube Salamina. Haele dibuka tsona o ngotse tse pedi tse ileng tsa hatiswa eleng 'Dinyane La Tshepe Sebalamakgulo (dipalekgutshwe) le Ke etse Jwang (tshwantshiso). Dibuka tsena ka bobedi di ile tsa mo hapela dikgau. Ho feta moo, palekgutshwe ya hae e leng, Jwala ha se pheko e ile ya kenyelletswa pokeletsong ya dipalekgutshwe e bitswang Dipalekgutshwe tsa sejwalejwale. Batho ba bangata ba tla hopola Khotso Nkhatho ka ho ba sebapadi tshwantshisong ya thelevishene eo sehlooho sa yona e leng, Mopheme. Yona e ile ya mo hapela kgau ya ho ba sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa sa thelevishene, Star Tonight ka 1993. Ntle le moo Mokubung enwa o ile a bapala ditshwantshisong tsa thelevishene tse kang, Thabure, Mmalonya le Vicious Circle. Ha jwale Khotso Nkhatho, ya tsejwang hape ka mabitso a theneketso e leng 'Ngaka e mabatha' le 'Ngwanabo', ke Mohlahisi wa Phethahatso wa ditshwantshiso tsa Lesedi FM tse reneketswang ka ho re ke Metla-e-tutswe. Ka la 09 Pudungwana 2008 baahi ba Mmamahabane ba ile ba etsetsa Khotso moketjana wa ho mo leboha ka ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya motse wa Mmamahabane?
Mmakarabelo o ile a elellwa hore batho ba tlileng sepetlele e lengbakudi, baoki, dingaka le balebedi ba se ba elelletswe hore ho hlokehakgotso bobeding bona. Yaba o hulela monna wa hae koloing ya hae.
Tsholo a rutla koloi, a tswa sepetlele. A ipolella hore a ke a ye lapeng hoya ja masapo a hlooho, hoba ke mona kajeno o pepeseditswe pinyane. Kamora nako e telele hakaana a tseba a ena le mora, kajeno o tsebiswa ho reKarabelo ha se ngwana madi a hae. Ena taba e hlile e mo dutse ha bohlokomaikutlong.
Ho tona mahlo - Ho makala.
Kgohlano e se e le ngata hara batho. Ena ha se ntho e ntjha hobane le mehleng ya morena Moshweshwe, merabe e ne e futuhelana, batho ba bolawa ka sehloho. Matlo a bona a ne a tjheswa, mehlape e hapjwe, bana mmoho le basadi ba pholohe ka mohau wa sera feela. Mehleng ena maemo ha a sa le mabe jwalo ka pele empa kgohlano e ntse e le ngata. Sesosa sa yona ke lenyatso kapa hona ho ikgohomosa hara batho. Ho bonolo ho utlwa motho a tlola hara batho, a ithorise ka lefeela la mafeela. Ke ye ke utlwe bohloko ha sena se etsahala hobane ho ya ka nna, boitshwaro bo jwalo ha bo hlokahale hara batho ba phelang mmoho. Ke hlajwa ke dihlong ha ke hopola ka moo le nna ke neng ke tshwaeditswe ke feberu ena e nyonyehang. Ke ka baka lona lena ke yeng ke leke ho hlokomedisa batho hore bophelo bo ka ba monate ha bohle re ka utlwana. Hlompho ke yona e ka re lokollang mathateng a re aparetseng lefatsheng lena ka bophara.
Ho qetwa ke bodutu - Ho hlolohellwa haholo. Ho tlama thotwana - Ho ngala; ho thoba.
3.2 Ho kgahlwa ke none e hlotsa 2.
Ba fetse ba nka dithotonyana tsa bona, ba nto tsamaya. Haele Kolobe yena o ne a hlile a ntse a belaela hore e se be eo mmate wa hae ke senokwane se ikgakantseng feela. Monna eo o ne a utlwahala e le motho wa meqoqo, mmea bile a le leleme le monate. O ne a ile a itlhalosa a etswa hona kwana merafong, mme le ditaba tsa teng, a utlwahala a di tseba ka ho tlala. Kolobe ahla a kgothatswa ke tsela e kgodisang eo monna eo a neng a araba dipotso tsahae ka yona. Ao! Jwale motho wa rona a qala ho phutholla mmele hanyane kahanyane, a ba a bona hantle hore o fumane motho wa sebele, ya tla be a mo thuse ho fumana moo mora wa hae a leng teng. Etswe eo motswalle wa hae aile a bontsha ka moo le yona Qwading eo a e tsebang ka teng.
"Polao ngwanaka, ha o ka arohana le nna hona jwale, ke tla shwa. Ke se ntse ke le mofu mona moo ke leng teng." Ke Mmatoko eo.
Hanghang a utlwa a fihlelwa ke sebete se kang sa tau, a ba a ikutlwahantle hore o tla shwa a ikaleditse ka ba bang ba bona, haeba mokgwa o kaba teng. Kapelepele a hopola hore ka mokotleng wa hae ho na le tshepe yamohoma wa ho hlaola, oo a neng a ile a o reka pele a tloha kwanamerafong. Ebile o se a o ntsha kapele, mme a itokisetsa ho e sebedisa ha hohlokahala. Athe yane motswalle wa hae o ntse a mo tadimile ha a ntse aetsa jwalo. A be a se a fofela Kolobe, a fihla a mo shakarela, a mo kopamolaleng mona ka sephaka sa letsoho le letshehadi, a bile a mo kwalamolomo ka seatla sa letsoho le leng. Ka nako eo tsena di etsahalang, ho neho se ho ile ha bitoha bahlankanyana ba bang hape ba babedi hara mafifi. Ho bonahala hore bona ke ba neng ba setse ba letetse ho tla sebetsa phofue ka tshohang e tshwasitswe marabeng a bonkeka. "He lona, banna! Le saeme" Ho rialo yane motswalle wa Kolobe ho bahlankanyana. "Re lokelaho sebetsa motho enwa kapele, re qete ka yena hona jwale.?
3.3 Ho buela sekgukgung/dikgosheletsaneng.
5.1 Hlalosa le ho fana ka semelo sa Mmathulare ka botlalo.
Diketso tsa baphetwa.
1.2 Sesosa sa hore Polao a fetohe ntwadumela ke sefe?
Kepa o dutse tlasa moriti wa sefate sa moduwane, pela noka ya metsi aphallang ka matla. Letsohong o tshwere mahakwenyana, o ntse a a betsetsaka bonngwe metsing. O hopotse hae. Hodimo mane komponengbashemane ba ntse ba bina, 'E boima joyene'. Ere ha ba bang ba dulafatshe, ho eme sehlopha se seng se bina 'Shosholosa'. Eitse ha ho se ho binwa, 'Re hula mmoulo banna', pelo ya hae ya fofela hae a bona mmae, abona dikgaitsedi tsa hae, a bona bohle ba habo. Menyepetsi ya theoha.
5.4 Ho kgebethwa ke letswalo.
Ho lomahanya meno - Ho hana.
"Le nna ke hopola jwalo." Ke Toko eo. "A ka nna a fihla nako e nngwe le e nngwe ho tloha jwale. Ke ngwana e motona, o tseba habo. Le ha a ka robala naheng o tla fihla ka le hlahlamang.
Kolobe o ne a mametse ha mapolesa ao a ntse a fana ka ditlaleho tsa bona, le ha a ne a hlile a sa utlwe hantle se neng se buuwa. Ha tlaleho e ntse e tswela pele, a utlwa eka ho tlola lebitso la Phakiso. Ditsebe tsa qala ho qahama tsa moeka. A lakatsa ho utlwa hore na ebe lebitso la mora wa hae le hlahela ka mabaka afe tlalehong eo. Ha re a phahame a ke a yo botsa, empa letswalo la hae la mo hanela. Matshwafo a motho wa rona a phahama, yaka a tla mo dula ha bohloko molaleng. A qala ho lohotha ntho di hana ho fela. A ipotsa letoto la dipotso tse se nang dikarabo.
Ntle ho motswalle wa ka Kganyapa, ho ne ho se motho le ya mong eo ke mo tshabang. Ho nkgisetsana mahafi le monna e mong, e ne e le ntho e bobebe ho nna. Kgwedi e nngwe le e nngwe ke ne ke oka maqeba kapa ona matetetso. E mong le e mong ya ikutlwang matla, ya hlokang letswalo, ke ne ke mo amohela ka ditebele tse tjhesang. Ke ne ke itshepa hobane ke le kgalala papading ya ditebele. Motswalle wa ka e ne e le mampodi wa Teransefala boimeng bo hare, mme nna ke ne ke le e mong wa ba batlang sekola seo. Tseleng moo re tsamayang teng, ho ne ho senyeha, ho kubella mosi. Makwala re ne re a tshosa ka mahlo feela, ho ne ho se motho eo re mo tshabang hobane re ne re ikwetlisa ka thata tsatsi le leng le le leng.
Mmatoko o ile a hlokahala hoba a kope Toko ho mmitsetsa moruti a tlo mo rapella. O ile a tla Mmatoko a patwa. Ka mora lepato Polao o ile a kgutlela merafong. Lentswe lane le ile la kgathatsa Toko hoo a bileng a kula hampe a ba a kopa ho bitsetswa moruti. Moruti o ile a fumana hore Toko o sitetswe Modimo. Toko o ile a inyatsa pela moruti ka moo a neng a tshwere Polao hampe ka teng ho tloha bonyenyaneng. Moruti o ile a bitsa Polao. Hoba Toko a bone Polao o ile a hlokahala.
"Hantle haholo, monnamoholo. O hle o nke kooma ena ya ka o ekgokgothe, tau ya kgale!" Ho rialo Mohau, ya neng a se a ruile haholo."Ao, monghadi ntjhebe hantle, hle!" Ho boetse ho bua leqhekwana ledutseng hodima kutu ya sefate, homme ka lentswenyana lemakgerehlwanyana le bakang mehau. "Ke re o ntsubise hle, monghadi!" HaMohau a mo shebisisa a elellwa hore o kgaohile matsoho a mabedi, le horeke sefofu kapa o bonela leroothong. Yaba o tsipa kwae, o e kenya ka nkong ya...
Lehlohonolo Samuel Mokoena o hlahetse Kuruman, motseng o bitswang Vergenoeg, Riphaboliking ya Bophuthatswana ya mehleng, ka la 01 Pherekgong 1986. Ke mora ntate Tshepo Mokoena le mme Morwa Phutiyagae. Mongodi enwa o holetse Qwaqwa motseng o bitswang Makong. Ke mona moo tlhase ya bongodi e ileng ya iponahatsa ho yena teng. O ile a ngola dithothokiso le ho thusa baithuti dikolong ka ho ba manollela dibuka tsa Sesotho, haholoholo tsa terama le padi. O kene sekolo sa Iteboheleng primary ka 1993. Ka 1997 a fetela sekolong sa Makong Intermediate. Ka 2002 a etsa kereiti ya 10 sekolong sa Sekondari sa Shakhane, e leng moo a ileng a phethela lengolo la materiki teng ka selemo sa 2004.
Ka mora ho batla mosebetsi nakwana a sa o fumane mapolasing, o ile a leka ho o batla toropong, e leng wa ho hlokomela le ho hlwekisa dijarete. Hobane wona o mongata. Bommisisi ba a mo thabela hobane o tswa mapolasing. Dikgwedi tse tharo di ile tsa feta a sebetsa hamonate.
Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. Ontse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumana ke le kahara ona. Dilemo tse tsheletseng ka mora hore ke tlise yane Mmakabelomona hae ho fana ka yena, mme ke kgutlele Makgoweng ho ya ntshetsatshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo ratahaholo, mme ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo kaGauteng. Yena ha ke kganane hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ilea hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona. Tsietsi ke tsietsi.
Kgele! A hana ho utlwa, Kolobe. A ithutla, a itosolla ka matla ohle ao aneng a ka ba le ona. A qetella a tjhophotse matsohong a motshwari wa hae.A laqoma ka bobebe bo kang ba nkwe, a emella thokwana mane, a ntse akokositse tshepe ya mohoma. Yare moo a reng o tla takolotsa, a kgolephalo, a fumana hore ho kwalehile ka hohle, ke difate ka mona, kedinokwane ka nqane. Jwale mohale wa rona a ema, a itokisetsa emahlomafubedu. Haele tjheletana ya bana ba hae yona e ke ke ya inkelwaka thutswana mmowane.
Ha ba tswa ka monyako wa sepetlele, Abiele a bua ho mosadi wa hae."Moratuwa, ra batla re lahlehelwa ke ngwana ka baka la ho ntshaba."
3.4 Thabo o phaphathehetse Heilbron.
Ka mohlomong hoba Mohau a kgathale ke ho roka le ke motjheso walehlabula leo, a ya kga moya thokwana le motse o moholohadi oo waMautse. Hang a utlwa lentswenyana le fokolang tjee, le re, "Hela, mothowa heso ha o ka mpa wa ntsubisa seneifi, ke a o rapela!"
Kgwedi yohle ya re kutu kwana, Mohau le Manana e le mathe le leleme. Ba qoqa hamonate ba keketeha, ba feta ho tse ntjha le tsa kgale. Manana one a fihla lebenkeleng la moroko la Mohau a nyakaletse, hape a fihlakgafetsa. E ne eka o ilo boha botle ba mosebetsi wa diatla tsa Mohau, athe o mpa a ilo batla tjhelete le ho tjhatjhehisa ditakatso tsa eo motho wa hae. Mohau le yena ho hang a hla a lahleha ka hara parateisi eo ya hae yamaiketsetso. La boela la fihla ho yena la mahlonoko letsatsi, mme a e bonatosa!
Ho sisinya hlooho - Ho se dumele.
1.10 Fana ka mehlala e meraro e supang hore lelapa la Abiele e ne e le lelapa le mofuthu.
"Le nna ke ntse ke nahane jwalo, etswe ha o kokota ke nahana hore oyena." Ha tlatsa Toko.
Ho ja jwang le diphoofolo - Ho hlanya.
6.2 Ho epela mmomo fatshe.
Ho iteta sefuba - Ho beta pelo; ho ba sebete.
E ile yaba o tswetse ruri.
Na mokgwa oo Toko a neng a phedisa mora wa hae ka ona o ne o amoheleha Fana ka mabaka?
A kopa mosadi hore ba ke ba koqame ka mangole mme ba kope tataiso le thuso ho Ramasedi. Dithapelo tse tswang botebong ba pelo di finyella mahodimong. Ba rapela hore e ka morena a ka ba thusa ba fumana mora wa bona ya mong, Thabo, eo maikutlo a bona a neng a ba fihlela a horemohlomong moo a leng teng ha a sa phela. Mosadi le yena a kgothala ha ahlokomela hore monna wa hae o a dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. A kgothala Mmathabo, a tiya mmoko.
Mora wa Toko e ne le mang?
2.4 Moiketsi ha a llelwe.
Hora ke ya boraro, mesong.
Ka kgutsa motsotswana, mme ka phefumolohela tlase. Mmaletsatsi keMmaletsatsi, mme o a latella.
Ho Moetapele ke moetapele, "Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla." Hona mona, re se re tsebiswa ka baphetwa ba rona ba sehlooho e leng, Majoro enwa ya behwang le nkgono Mmathulare hammoho le qaka eo a tshwarahaneng le yona. Qaka ena e hlahiswa e kopane le thabo e renang pelong ya mosadimoholo. Le ho tsoha, o tsohile e sa le ka meso hore a tsebe ho shebella thelevishene moo tlhomamiso ya ngwana ngwana hae e tlang ho hlahiswa ka hora ya leshome. Qaka ke hore sena ke pinyane.
A akgela lejwana le leng hape ka metsing.
Bolela hore ke nnete kapa mafosisa ha e le mafosisa ngola seo e leng nnete. Ngola karabo feela.
Mohau o ne a ngola Senyesemane se pele, se qatsohileng, sona se ileng sa kgahla mmueli.
Ho a betsetsa ka bonngwe metsing.
Ntho e nngwe feela e neng e duma ka hlohong ya kolobe, ho tswamorung moo ka potlako. Empa pele ho moo, e ne e ka kgona a fumanethotwana ya hae. Nakong eo a ntseng a qamaka kwana le kwana ho e batla, a bona hore bahlankanyana bane ba babedi ba ntse ba tjapaletse fatshe. Autlwa e mong a hlile a dumaela ha bohloko. Hwa re a mo qetele, empa aikomanya, a mo tlohela. Haele e mong yena o ne a se a thotse, ho bonahalahore tjhoba le se le letse phoka. O ile a fela a fumana thotwana ya hae, mme a nka ka sekaja ho tloha sebakeng seo.
Dilemo di ile tsa feta ba sa tsebe moo Polao a leng teng ba tshwenyehile ke hona. Toko o ne a tlelwa ke lentswe le neng le mmotsa hore mora wa hae o kae. La mo laela hore a mmatle a mo tlise lapeng. Lentswe leo le ne le mo bolella hore kotlo ya hae e tla ba boima ka lebaka la bohloko boo a bo tlisitseng lapeng leo.
Le dijo a di fuwa hantle. O phoqeha ha a amohela moputso wa diranta tse leshome ha kgwedi e fela. Mmisisi o mo tshepisa hore e nngwe o tla e fumana hara kgwedi. Hantlentle Kepa ha a tsebe le hore o fumana bokae. Moputso wa hae o ne o sa tsitsa. Kgweding ya bobedi o ile a ekeletswa ka diranta tse hlano. Kgweding ya boraro teng ya fokotswa ka diranta tse tharo empa a se fuwe lebaka la hoo. O tshaba le ho botsa hobane ho thwe batho ba dipolasi ba a hlompha. Nako tse ding ha a sebeditse hantle o ne a lebohuwa ka hempe e kgolo ya oubase kapa dieta tse sa sebedisweng.
"Polao!" ho bitsa Toko ka kgalefo e kgolo.
Baphetwa ke baemedi ba batho ba fumanwang bophelong. Re lebelletse hore semelo sa bona e be se atametseng ho sa batho ba sebele. Semelo sa baphetwa se hlahiswa ke diketsahalo tse bopang moralo wa pale. Ke tsona tse hodisang, tse rarahanyang hape di isa pale sehlohlolong le phethelong ya yona.
"Moratuwa shwalane e se e tshwere, o ka nna wa robala mona hostele." Tebello a phutha mokeke wa dinomaphodi.
"Mokgashane, se etsahetseng ho wena kajeno ha se dihlong. Beatrice kee mong wa dilwani tse hlwahlwa tseo re nang le tsona. Ditlhodisanong tseore neng re ile ho tsona selemo se fedileng, o tswile borarong moo ho nengho na le batho ba makgolo a mahlano, ba hlodisanang. Ha se batho bohleba nang le bokgoni bona. Ha o na le tjheseho ya ho fihla tlhorong, otshwanetse ho sebetsa ka thata, o ikemisetse. Ka morao ho moo o tla bona o ntse o tswela pele." Matshwafo a kokobela ha ke utlwa mantswe ana, karobala boroko le ha pelo e ne e le ntsho mohlang oo.
"E ke nna." Ho araba Tsietsi.
2.1 Ba kgwathakgwathana le yena.
Ka bomadimabe khampane ya boAbiele e ile ya tshwanelwa ke ho kwalwa ka lebaka la dikotloqobello. Khampane ya hula matsete a yona naheng ena. Abiele o ile a fellwa ke mosebetsi.
Matsatsi ao ba dutseng moo ka ona, Thabo o ithutile dintho tse ngata.
Mmatseko o ile a bososela, a ikutlwa a le motlotlo haholo ka ngwetsi yahae, Mmamojalefa. Ee, ba kang yena ba a haella.
1.6 Ba shwela ka hare. F. A lla.
Ho orohela badimong - Ho hlokahala.
"Ke tatetse ho bona setloholo sa ka." Ke Mmatseko eo, ha ba theoha koloing ya baeti, seteisheneng sa Bohlokong. 'Ho thwe Mojalefa o tshwana le wena. Ha ho le jwalo, e tla ba o tshwana hantle le mofu ntataemoholo, hoba wena o tshwana le ntatao hantle."
Ha mokete o ntse o loella, ha hla ha senyeha e le ka sebele jwale, dinonyana tsa hla tsa dula batho e se difate. Dihlopha tsa dibini tsatsholana, mme se seng le se seng sa ipabola ka makgabane a sona. Se seng lese seng se ne se thoholetsa majoro e motjha, se mo lakaletsa mahlohonolo atswang hodimo ho Ramasedi. Bana ba dikolo ba tsanyaola. Kgabareng hakena sehlopha sa basebeletsi ba setjhaba, boMmapalesa.
Matla a makaale a Takadimane, a ne a hlaha kae?
Homme e ne e se feela ha bahlankana ba jella kgwebeleng jwalo. Manana o ne a le motle. O ne a le dilemo di mashome a mabedi a metso e mmedi. A le moleletsana ha monatjana, a le mosehlana a sotse. Ha atsheha meno eka poone ya lehomo ka botle. Lehano le letle hoo e kangmotho o ka tlolela ka hara lona wa ikahela ka ho sa feleng. Ditlhafu e le tsemona tse hapang mehope diphehisanong tsa bommabotle, ntho tseborethe, tse kgwidikwenyane tse mehwete. Disanthao di le kgolwanyanehamonate, e le dihalofo tse pedi tse tshwanelang ditlhafu tse lekaneng mmele hantle. Letheka e ka la mmamodukule o fofa hodima bodiba. Ha a tsamaya le tenyetseha le bapala le disanthao. Hloohwana e qethohile, edumella matswejana ho phunya bolousu ka ditlhoko.
Le hoja thabo e ne e se e kgutletse ka lapeng hoba Abiele a fumanemetswalle eo e metjha, Thabo yena o ne a le siyo ka lapeng mme thabo eoba neng ba e fumane, e ne e qaphaletswa ke bosiyo ba Thabo ka tlong. Hone ho se ka moo ba ka itebatsang Thabo ka teng. Ba etsa kgoeletso kadiyalemoya le dikoranta hore ba mpe ba batliswe mora wa bona.
Motseng wa Soweto mane ho na le tulo moo boGauta ba neng ba atisaho teanela teng ho buisana ka mathata a botahwa. Sebaka sena se motseng o bitswang Tladi, tulong e bitswang Entokuweni. Abiele o ile a makalahaholo ha a fihla sebakeng seno mme a fumana batho ba buisana kamathata a bakwang ke jwala. A nna a hlollwa le ho feta ha batho bao babua ba tsheha ka tseo ba neng ba di etsa ha ba sa nwa jwala. Ba ne ba buaba tsheha, ba keketeha jwalo ka ha eka ha ba bue ka dintho tse bohlokotseo ba neng ba di etsa. E, ba ne ba tsheha bowatla ba bona tlasatshusumetso ya tahi. Abiele a fumana sebaka sa ho ipolela le yena le hobolela mathata a hae. A fumana batho ba mofuthu ba tsebang ho amohelabatho. A utlwa ho le bobebe ho bua ka mathata a hae hobane a ne a se a utlwile hore ba bang ba fetile mathateng a fetang le a hae. A tlala morolo, atsoha molota. A fumana metswalle ya sebele.
11.1 Ho lwana ya kgumamela.
Nna haesale ke inehela kerekeng ena ya Moshweshwe, le ha e ne e se entse e le botsofading ba ka, ke se ke sheba le ho utlwisisa ditaba ka tsela enngwe. Le yona peho ena ya majoro ke a e utlwisisa. Ke a tseba hore hobehwa mora wa Moindia. Ke a tseba hore ho behwa setloholo sa Qamboza wa Mozambia. Hodima tsohle, rona ba tsebang re a tseba horeho behwa motho, mme motho ke wa Modimo. Re a utlwisisa hore Rabophelo o sebedisa taba ena ho fiela kgethollo bathong ba hae, esitanale lona lenyatso ditjhabeng tsa hae, hore ho tle ho se ke ha eba le onamokgwa wa ho nyefola ba bang. Batho bohle ba bopilwe ke diatla tse kgethehileng tsa Mmopi. Ke yena ya abelang motho wa hae ka mohau lethato ya hae.
"Bulela thelevishene, ngwanangwanake," ke nna eo ho setloholo sa ka.
Ha ditaba di sa eme jwaana, ngwana a ipotse a ntse a le mong hore na ke ka baka lang ntata bona kapa mma bona a hlola a ba ruta thapelo, empa yena a sa etse ho ya ka moo thapelo e kopang ka teng. Ba ipotse hore na e be eo ke mmae kapa ntatae na. Bana ke setjhabana se kgonang ho tshwara dintho ka pele, ekasita le ho se lebale ka potlako. Ngwana o phakisa ho hopola tsohle tseo le di etsang le tseo le mo etsang tsona, a sa siye morao tseo le mo etsetsang tsona.
"Ke a mo rata, le yena o a nthata." Tshepiso o bua a bososela.
Ka tsatsi le leng a fumanwa, mme ba sepolesa ba mo isa habo. A fihlelammae a kula haholo.
Polao yena a tletse madi. Bana ba ile ba mo hlalosetsa hore Polao ha se yena ya qadileng ntwa eo. Ka ho tseba ho re ntatae o ilo mo shapa ha sekolo se tswa, Polao a se ke a ya lapeng empa a baleha. Mantsiboya batswadi ba hae ba sa botsana ka yena, ha fihla mosuwehlooho a tlo beha ka se etsahetseng motsheare sekolong. A hlalosa le hore bana ba neng ba le ntweng moo ba hlalositse hore bashemane bao ke bona ba qadileng ntwa. Ka hoo a hla a kopa Toko hore a se shape Polao hobane seo se ka mo utlwisa bohloko ka mokgwa oo bashemane bao ba batlileng ba mmolaya ka teng. Mmatoko o hlaloseditse mosuwehlooho ka moo Toko a phedisang Polao ka teng le mokgwa oo a lekileng ho bua le yena ka teng hore a tlohelle ho phedisa ngwana jwalo empa Toko a sa mamele.
Khotso Khiba o ne a hlahele Lesotho ka la 19 Pudungwana 1945 seterekeng se ka borwa ho naha sa Mohale's hoek motsaneng wa Moeaneng. Ka lebaka la ho holela lelapeng le neng le eteletswe pele ke mme wa hae, ntate Khotso jwalo ka ba bang ba dithaka tsa hae ka nako eo, kgolo ya hae ha e ka ya eba e bonolo. Ha a ntse a hola o ile a bontsha thahasello e matla ya ho ngola, ho taka, dipalo ekasitana le mosebetsi wa ho betla mapolanka. Lerato la hae la ho ngola dipale tsa Sesotho, dithothokiso ekasitana le puo ya Sesotho ka kakaretso, le ileng la tota dikolong tse mahareng le tse phahameng. Ha a se a le dilemong tse mahareng, Khiba, eo ka nako eo e neng e le setsebi sa moruo, o ile a ngola dibuka tse latelang, Bophelo ke ntoa le Nkopeleng ke bine tseo e leng pale le pokello ea dithothokiso ka tatellano. Ntate Khotso Khiba o ile a ikakgela ka setotswana ho ngola ka Sesotho, ho hlahloba dingodilweng tsa dingodi tse ding, le phetolelong ya dibuka tsa kgwebo le tsa mmuso puong ya Sesotho. Khiba ke sengodi sa pale e bitswang, Ke mora wa ka, e hlahang bukeng ya pokeletso ya dipale tsa Sesotho, Dipalekgutswe tsa sejwalejwale. Pale ena e ile ya fumana kgau ya The De Jager - Haum Literary Competition lefapheng la dipale tse kgutshwanyane tsa Sesotho ka la 8 Phupu 1996. Dibuka tsa hae tsa pejana di tswelapele ho sebediswa dikolong ho fihlela jwale. Khotso Khiba o ile a hlokahalla Lesotho ka la 22 Loetse 2002 a siya mofumahadi, bana ba bane le ditloholo tse pedi.
Tseleng monna enwa o ile a ntsha matekwane mme a a tsuba le tsela. Kolobe ha a ka a arabela seo monna eo a neng a se botsa empa o ne a le malala-laotswe ha monna eo a ka mo tsohela matla. Bothata ke ho re ho se ho le lefifi, le ho re sebaka sena ha a se tsebe, ntle le moo ba ne ba se ba tswile ka toropo.
O hodisitswe ke mophetwa ya neng a tsebahala haholo a ena le lerato le boikokobetso. Sena ke tiiso ya hore o latetse mohlala o motle oo Tsholo a neng a mo hodisa ka wona.
"Monna! Lesela ngwanana enwa. Mosadi wa hao o mo lebetse Hona otla re ho ngwananyana enwa mosadi wa hao o kae" Moeletsi a botsaTebello?
O hodisitswe ke batho ba nang le botsitso ba tsamayang ka sekeresete. Re bona Karabelo a bolella batswadi ba hae ka qeto eo a e nkileng ya ho ba moruti ha a hola.
Kepa a hlokomela hore ho bapalwa ka yena, a leboha. A lata katibanyana ya hae moo ntjanyana e e siileng teng ha e se e kgathetse.
Bophelo boo Toko a bo phedisang Polao bo etsa Polao hore e be moshemane ya pelo e thata e be senatla ntweng. Ka tsatsi le leng Polao o ile a lwana le moshemane e mong sekolong a mo roba dikgopo. Taba eo ha e fihla ho ntatae o ile a mo shapa le ha mosuwehlooho a mmoleletse hore moshemane eo ke yena ya phoso. Ho leka ho fedisa bophelo bona boo a bo phelang habo, Polao o ile a bitsa kopano le batswadi ba hae ho tla bua taba ena ya hore ntatae e be e sale a mmolaisa thupa ka mehla. A mo kopa hore a e kgaotse hobane a ka tshwana a mmolaya. Ntatae ha a ka a mamela kopo eo ya Polao.
"Ke ntse ke batla mosebetsi, morena. Re bolawa ke tlala hae."
Bana ba ka kopanya batswadi kapa ba ba arohanya. Ke nnete kapa tjhe. Tiisa karabo ya hao o ntse o ikamahanya le ditaba tse tswang palekgutsweng ena.
Ho tasola - Ho tsamaya sebaka se selelele ka maoto. Ho tlaleha - Ho bolela.
"Banna!" Ho kgotsa Tebello.
"Ha e le nna le mme," ho phasoloha Palesa ha a qala a kena ka tlong."Ke mang ya binneng ha monate, Nkgono?
"Ke ya ka mona ka Qwading Wena o ya kae" Kolobe o botsa jwalo atebisitse lentswe hore mmotsi a se tshohe a elellwa hore o fela a tlaletswe, a bile a tshohile. O ne a ye a utlwele hore dinokwane tsa motse ona di hle dilemohe e sa le qalong ha moeti a sa tlwaela sebaka seo, kapa a sa tsebe mooa yang teng. Ke moo di yeng di qale ho mo hlekahleka, di mo tsekise dingtsa hae?
Ka mora puisano ena e telele, Lesiba a ikela ka kgotso. Toko o hannefeela ha eo a furalla. Yaba o hlahisa mokgwa wa hae wa tlwaelo. A omanyaMmatoko hoo ba ileng ba tshwarana ka matsoho.
A ikemetse a phuthile matsoho, a emetse ho bona hore na mohlwanyane ono o makgutlanyana o tla etsang.
Ho ipha dimenyane - Ho baleha.
Batswadi ba lebala hore nako e ngata ba na le bana ka lapeng. Ba etsa dintho tse sa lokelang ho etswa pela bana, mme e re ha bana ba di etsa ba lwane le bona. Ka nako e nngwe ho ba teng batswadi ba hlokang kutlwelobohloko, ekasita le yona tshwarelo hodima bana ba bona, mme ha morao ba itshole nako e se e ile.
Mataboha, majoro wa sebaka sena?
Mmaletsatsi haesale e le Mmaletsatsi. Ke yena ya neng a nthuta hoitshepa. Ha ke makale ha le kajeno a ntse a bitswa Mmaletsatsi le ha a na anyalwe, a ba le bana, a tsofala. Ha ke makale ha le kgwebo ya lelapa la haee ntse e bitswa ka yena le kajeno. Mmaletsatsi ke Mmaletsatsi.
Mapolesa a ile a thola Polao a mo kgutlisetsa habo. Ha a fihla a fumana mmae a kula haholo. Toko o ile a thabela ho mmona a nahana ho re o kgutletse ruri mme o tla phomola moyeng, le lentswe lena le mo kgathatsang le tla emisa. Toko o ile a kopa tshwarelo ho Polao empa Polao a se ke a dumela. A mo hopotsa tseo a mo entseng tsona le tseo a di entseng mmae a ba a mo roba dikgopo, ka lebaka la ho hana dikeletso tsa hae. A jwetsa ntatae hore tshwarelo o tla e fumana lehodimong e seng ho yena Polao. Mmatoko o lekile ho kopa Polao hore a se tsamaye hape hobane o se a kula haholo mme o tla shwa ha Polao a ka tsamaya. Polao ha a ka a mo mamela o ile a tsamaya. Mmatoko o ile a sola Toko ka se etsahetseng le ka moo a neng a nyefola kereke ka teng.
Ha moruti a botsisisa taba ya monnamoholo hantle, a fihlela hore eo ositetswe Modimo ka mora eo wa hae le mofumahadi wa hae.
Ho ingamangama - Ho tletleba.
##bana ba ka matlong, maru a matsho a kwahetse.
O ne o kenwe keng ha o tla iphoqa, o ithetsa ka tsiemokopu e kangManana tje, wena Mohau, a ipotsa. Ke ofe ngwanana ya hleng a tiiseditaba le mohlankana a le mong feela Ba a balwa ba jwalo. Ke kgarebe efee ntlentle jwalo ka Manana eo o kileng wa bona e sa etse letoto labahlankana ba akgang boMoferefere Ikele hae Mohau wa batho. Lesangwanana enwa. O sa tla be a jewe ke tsa hae, a kotule seo a se jetseng. Moleballe ruri, mme o tshabe lerato la bolotsana. Boela bothong ba hao, okgaohane le marata ana a bakang hore batho ba o tlepe ditsheho tjena?
Tebello a utlwa eka lefatshe le ka petsoha a kene.
Tlhasenyana ya qaka e a hlahiswa e le ho emelwa ha terene e sa tleng, mme e tlisa kgohlano pakeng tsa Tseko le mmae. Mongodi o se a re hlaha leseding hanyenyane feela mme re tshepa hore o tla re arolela ditaba tsohle ha pale e ntse e tswella.
Manana o sala a nyalwa ke Mojalefa. Ba hlolana ka diketso Manana a be a mo ntsha kotsi ka botlolo, mme a tshwarwa. Mojalefa a ya sepetlele.
Bala tlhaloso ya sehlooho sena ho dintlha tsa manollo ya palekgutshwe, mme o arabe dipotso tse tla latela.
Ka ipona ha ke phahamisa letsoho la ka le letona, mme ke ikana hore hae le ngwana yena ke wa ka, mme ke hlile ke fana ka yena. Ka ipona ha keikana hore nke ke ka kgathatsana le yena, esitana le bao ke mo fileng bona. Ka ipona ha ke no ke ikana hore ke mo lakaletsa lehlohonolo. Yena esitanale bohle bao ke ba fileng yena, le bohle ba amanang le bona, ba tlaikarabella kgodisong ya hae, esitana le lelokong le tla tswa ho yena. Ka mantswe a mang ka mo hloboha ho mo hloboha. Ka mo latola jwalo ka haPeterose a ne a latole mora wa Modimo tseleng e thata, e lebisangsefapanong.
Karabelo a tswela pele ka ho re, "Ke thapedi ya ka hore ho se be lengwana ya tla hlahelwa ke sena se ntlhahetseng. Ha se tabatabelo ya ka hobona kgolong ya ka le tshiung tsa phelo ba ka, ho ena le batswadi ba tlangho tshwana le nkgono, ka ketso e bohloko a e entseng. Bophelo ba eo keneng ke tseba e le ntate bo fedile ka lebaka la ketso tsa hao nkgono." Ha arialo, a tadima ka ho nkgonae, eo ka motsotso oo a neng a ntse a llelafatshe.
10.5 Mathata a hlwa manolo hodimo.
Toko ke mophetwa ya bontshang mahlakore a mabedi a bophelo. O hlooho e thata, ha a mamele mang kapa mang. O otlakaka ngwana a mo lwantsha le pele a hlalosetswa phoso ya hae. Ha a amohele ditaba tsa komiti ya sekolo kapa tsa mosuwehlooho, o mpa a ikgopoletse ho ya tshwasa phofu ya hae, e leng mora hae. Toko o bonahala e le motho wa nama le madi. Ha ditaba di se di mo fetohela, o bona ho le molemo ho kopa tshawarelo ho eo a ileng a mo hlorisa nako e telele.
Ha le shwe keng le fokotsehe Ha o bone le bangata haholo?
Ke eo a behwa, Kabelo. Ke eo a behwa, motho eo ba bangata ba monkang e le ngwana wa lelapa la borui, ngwana ya tswalehileng, ya hotseng abokotswa, a sa hloke letho. E, mohlomong lefatshe le tseba jwalo.
Mamohale ke mophetwa ya butswitseng, ya tsebang ho sebedisa kelello le matsoho a hae ho iphatela. Ke mophetwa ya neng a le sebete hoba ke enwa o emisitse lapa le hae monna wa hae a ntse a le siyo. O ne a na le mamello hoba o ne a tseba ditshwanelo tsa hae tsa botswadi.
Tshepiso le Lerato ba qeta ho fihla kampong. Hora ke ya borobedi, bosiu."Lerato, o bone ke thotse motlao ya nthatang" Tshepiso o bua a lokisamoalo?
"O a tseba ho re tau eo, e lomahantse meno tabeng eo." Ho bolelaMoeletsi.
"Terene e tswile seporong, mme e phetohile. Bapalami ba bangata batimetse. Masea le maqheku. Ena ke koduwa ya naha."
"Ho thwe ke meleko ya eng eo o e entseng mola sekolong Bua!" a realoa mo qhautsa pele a araba le ho araba, "Kgale ke o bolella ho re ke tla oterapa! Ke batla hore o hle o robe nna dikgopo hona jwale ya mmajwale!Tsamaya, moleko towe!?
Bongata ba mangolo ao bo fumanwa hona seteisheneng. A hopola ka letsatsi le leng a ituletse hamonate hona seteisheneng sena, ha thwe a tlohe moo, ha a bone ho ngotsweng lengolong. A supiswa le leng haufinyane le moo a dutseng teng. Jwale kajeno o kgutletse hona mona. Motho o tla reng Ke lona lehae la rona lena. Re tswaletswe ho lona. A nka morwalo wa hae a ikela. Ba habo ha ba tla ho mo kgahlanyetsa. A utlwa a teneha hobane tjhelete ya hae ba e emetse ka thata?
##tsebeng eo o qalang ho e bona.
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!" sekolo seo, ke ile ka ba phutha kaofela ha bona ho tla batlisisa sesosa santwa eo. Ka fumana hore bana ba neng ba lwana le yena ba fela ba lemolato. Jwale he, bahlahlobi ba baholo ba ile ba ntaela ho ba tebela moo sekolong. Ke makala ha e le mona Polao a eso fihle hae ka nako ena. Mohlomong o nkile hore o entse ntho e mpe mme a fapohela ho motswallewa hae ka baka la ho tshoha. Athe ha ho jwalo, etswe ba ne ba mokopanetse ka bongata bo tshabehang moo a neng a qobelleha hore aitshireletse."
Hobaneng bommisisi ba ne ba thabela batho ba mapolasing?
"Ho behwa hwa ka kajeno setulong sena e mpe e be thuto ho batjhabohle ba lefatshe." Ke majoro eo ha a phethela puo ya hae. "E fetile nakoyane eo ka yona motho e neng eba motho ka baka la lebitso la ntatae. Ketaba e tsejwang hore nna ke ngwana wa matsheo. Ke entse diphuphutso, mme ke utlwile hore ntate o India kwana, athe ntatemoholo yena ohlokahalletse Zambia kwana. Ho thwe nkgono yena o ntse a le teng monaForeistata. Ke lakatsa ho mmona."
11.4 Ngwana wa mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha.
"A ko bone he." Mmaletsatsi o bile a realo ho nna ka tsatsi le leng kamora makatikati ao ohle. "Ho totobetse he ngwanana hore o hlile waqhanolla ho feta tekano. Ke moo, ke moo." Mmaletsatsi a tsitsinya hlooho.
Qoqa ka maemo a lelapa la habo Kepa.
A fumana masupi feela.
1.8 A bona menyepetsi e theoha. H. A hopola hae.
Nakong eo a ntseng a bala lengolo, Tsholo o ne a mo tadimile ka leihlola Kaine. Ho bonahala hantle hore o batla ho bona sefahleho sa Mmakarabelo motsotsong oo a ntseng a bala lengolo. Tsholo o ne adumellana le bahlalefi ba reng ditaba boholo o tla di bona sefahlehong le hamonga sona a ikgutseditse. Mmakarabelo o ile a thunya mofufutso, athothomela mmele, a ba a tsitsipana. A ipotsa dipotso ho re ke hobanengha lefatshe le sa thabele ho bona motho a phela ka kgotso. Hantle moo areng o ja monakaladi wa kebolelwa, bophelo bo a mo fetohela. Ke moo ratola pelo ya hae le mo halefetse ka lebaka la lengolo. La e baka taba lengolole tswang kwana Mehloding.
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!"
Kepa o hlahetse polasing e bitswang Makgalaneng, ntatae a sebetsa kabotshepehi, a ba a shwela teng. Mmae o ntse a le hona polasing eo. Kepa olokolotswe polasing ka lebaka la ho haella ha mosebetsi. Ka letsatsi lehlahlamang a kgutlela heising a ilo kopa hore a mpe a hauhelwe a fuwemosebetsi. O lekile ho o batla dipolasing tse ka mathoko, a hloleha. Aithapella ka hore o ikemiseditse ho thusa mmae ya leng polasing e lenngwe. A hana rapolasi wa moo. Komello e iphile matla, dikgomo di ashwa. Lekgaba la poone le omeletse. Jwale o tla sebetsang Tjhe, le yena abona. Ka nnete mosebetsi ha o yo. Ke mmae feela ya dumeletsweng hodula polasing hobane a hauhelwa. Ntata Kepa e bile foromane etshepahalang, e sebetsang ka thata, e sa komakomeng le ha tsebe e sothwa. Lefu la mo swetsa la mo nka ka tshohanyetso?
2.3 Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene. C. Motho ha a hlokahetse sesosa sa lefu la hae se a batlisiswa.
Ke eng se ileng sa balehisa mora wa Toko lapeng?
Bothata ba bona bo ile ba arabelwa jwang. Hlalosa ka bokgutshwane.
"Ebe ke lefe" Mamohale a boela a botsa?
Ditshita di hodisa pale. Di etsa ho re mophetwa wa sehlooho a etse malebaleba a itseng a ho hlola jwang kapa jwang. Ditshita tsena di ikgodisa ka tsela e itseng ho ka tshehetsa mophetwa enwa kapa ho mo dihela boitekong ba hae. Kgolo ho bangodi ba bang ke kgohlano.
Tlhekelo e akaretsa tikoloho eo mophetwa a phelang ho yona, maemo a bophelo le nako ya pale. Hape palekgutshweng, re ka sheba hore na mongodi o hlahisa ditaba tsa hae jwang. Na o di hlahisa a di hlalosa ka tsela e itseng seratswaneng sa pele, kapa o wela ditabeng a sa tloha feela ho ikamahanya le sehlooho sa pale ya hae.
"Ntate Toko." ho rapela mosuwehlooho "O se ke wa mo etsa letho hle, hobane a ka utlwa bohloko haholo ha a nahana ka moo bashemane bao ba sekolong ba batlileng ba mmolaya ka teng. E ne e le bona ba qholoditseng ntwa eo. Ke a kopa hle motswadi wa ka, o mpe o mo inele matsoho metsing. Ha se yena motho ya qadileng moferefere ona."
Palekgutshwe tsena di kgethilwe ka hloko ho akaretsa sehlooho sa buka.
2.2 Thulare. B. Ntata Refilwe.
Taba ena ha ke e lekola hantle, ke fihlela qeto ya hore ha o ntate. Ho realo Polao.
3.2 Tlhekefetso ya ka malapeng e hlahella ka mahetla mona lapeng la Toko. A ke o e lokodise o fane le ka keletso hore Mmatoko a ka etsa jwang ho e fedisa.
Mmoledi a ba tshwara ka matsoho. "Ha di na motlohapele." Ke yena eo, ha a palama, a ikela. "Ke tla le tlela le tse monate."
Matahanya mabitso a hlahellang kholomong ya A ho dipolelo tse hlahellang kholomong ya B.
Ke nnete hore nna ekaka ke a lla hara thabo ena, empa ke a itebohela ha ke sa ka ka ba le sebete sa ho bolaya lesea leo jwalo ka ha ke ne ke eletswa. Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka bona borui ba ka kapa botle, di feta bophelo ba lesea leo ke neng ke le jarile.
Mmaletsatsi o ne a ntetseditse mohala kgweding e fetileng. Yena omono Hlohlolwane, kgwebong ya hae ya lebenkele la diphahlo e bitswangka lona lebitso leo la hae, le ha e se e laolwa ke bana ba hae. Ha ke ne ke eya kwana hae Mashaeng, pele ke etla mona Mangaung ka baka la Thulare, yena o ile a ya le mofu monnae hona moo Hlohlolwane, moo a ileng atheha kgwebo eo. Mmaletsatsi o ntetsetsa tjena o mpotsa hore na keutlwile ho re setloholo sa yane Qamboza se ilo behwa setulong. Ke hopolahore Mmaletsatsi ke yena feela ya tsebang taba ena le metso ya yona, ka hammoho re ne re ile ra latella taba ena haholo ho tloha qalong ya yona, hofihlela mona.
Bolela lebitso la moradi wa Tebello.
Phirimaneng e nngwe e badilweng, ditjhaba tsa phuthehela holong yamotse wa Mautse. E ne e le tlhodisano ya semetletsahadi ya ho kgethammabotle wa Mautse. Mohau a kena ho e ikgethileng sutu, e tshwana kametsero e methokwana, e ntjha. Dieta, hempe, ho tloha leotong ho ya tswabokalakateng ho nkga botjha feela. Baking a hloma e tshweu palesa, yamaiketsetso ya ditjhelete.
"Wat sal my nou te doen staan" Mofumahadi a mpotsa ka thahasello."Om baba groot te maak is nie kinder speletjies nie.?
Kajeno ho monate ho bohle ba ratang kgotso, nnete le toka. Dipuo hobuuwa tse ahang setjhaba. Mamela dithoko le dithothokiso. Makodilo ke aamang maikutlo haholo. Mehopolo ya ka ke e thiba e se e kgelekgetha holele nna.
1.5 Tiisa karabo ya hao ya potso e ka hodimo.
"Ke hantle he, Toko! Empa o tsebe hore ngwana-mahana-a-jwetswa obonwa ka dikgapha. O tla mpolella ka le leng la matsatsi."
Ntate, le wena mme, ke le bitsa tjena ho tla shebisana le nna tsietsi ena ya ka ya ho re ntate a nkotle ka mokgwa ona. Ho ya ka moo ke bonang o ntjhapa ka teng ntate, ho nkenyetsa letswalo. O ka nna wa mpolaya mme ha itshwanela jwalo ka ha eka ha o eso tswale ngwana ya tshwanang le nna.
"E sa le hoseng haholo." Ho realo Palesa enwa wa setlokotsejana a se a ntse a keketeha. "Tlhomamiso ya majoro e qala ka hora ya leshome. O tatile haholo, nkgono!"
Phutheho e bina ka dipelo tse bohloko, le maikutlo a sithabetseng. Ntho e tjena, le ha e le teng bophelong, ha e a tlwaeleha. Bohle re imetswe.
Karabelo a tshwara seatla sa mme wa hae ka letsohong le leng, athe ha e le le leng a tshwara seatla sa ntatae Lereko, yaba o re, "Ntate Lereko le wena mme, ha ke rate ho bona qeto ya ka ho eba le motho e mo kgopisang. Kgetho ya ka ke ya hore ke tla nne ke dule le mme, empa ke tla nne ke etele ntate ha dikolo di kwetswe le mafelong a beke. Hodima tsena tseo ke seng ke di hlalositse, ke kopa hore Ntate Lereko le nna maikutlo a ka a se kgopisehe. O se hlekefetse mme ka lebaka la tsena tse etsahetseng. Ke kopa hore o kgaohane le nkgono hobane ho mo lwantsha ha ho na ho fetola maemo a ditaba, ho teng e tla ba mathata hodima mathata, ka hoo ha o etsa tseo ke o kopileng hore o se di etse, ke tla o hloya, ke o ile sekgethe. Ha ke na ho o utlwisisa ho hang." Ha Karabelo a ntse a bua tsena ho ne ho bonahala hore nkgonae, mme wa hae le Lereko ba makaditswe ke ho utlwa mantswe a sefutho, a ahang, a tlisang kgotso, a tswang ho ngwana ya sa leng tlase dilemong jwalo ka Karabelo.
Kgatello le kgethollo e ne e le matla haholo nakong tsa boKepa. Makgowa le bao ba neng ba tshwere mesebetsi, e ne eka ba rupelletswe ke motho a le mong. Ba ne ba hlompholla le ho nyenyefatsa motho ka tsela e makatsang. Ditokelo tsa batho di ne di hatikelwa. Tiisa mohopolo ona ka ho qoqa ka dintlha tse tswang palekgutshweng ena.
13.6 Mapolasing mosebetsi o mongata empa feela tjhelete ha e yo.
Mmamojalefa o ne a le manganga ho ya ka Tseko.
Kakae ho qhoma ntwa e kgolo. Ha ntshuwa barumuwa ho ya thaotha masole. Hara masole a thaothwang ho tsamaya Moferefere wa seqhenqhahadi.
Tangtang ya kgangwa ke lerole - Ha senyeha.
4.3 Ho ja mabele.
Lebitso la dikgomo - Lebitso leo ngwetsi e le fuwang bohadi.
4.8 Basebetsi ba mmaeneng ba a lwana.
Maqhubu a bitolohang le ona o ile a a bona, a mpa a tshaba ho sesahobane a ile a utlwa ho ntse ho buuwa ka ho re ho na le ditlhapi tsekgolohadi moo tse jang batho, tse bitswang maruarua. Mona ThekongThabo o ile a ba a makatswa ke ka moo a ileng a fuwa dipanana tse ngataka teng ha a ne a reka ka tjhelete e seng kae. Batswadi ba hae ba ne bathabile le bona ha ba bona moranyana wa bona a thabetse tseo a di boneng. Hodima ntho tsohle, leeto leo la Thekong e ne eka leeto le ntjhafatsanglerato la bona, le ba tlamahanyang botjha lenyalong. Lelapa la Abiele, lelapa le mofuthu!
5.1 Ho idibana.
2.2 Ba rapalletse fatshe.
Ebe ke nnete ha ho thwe leshala le tswala molora Maikutlo a hao ke afe mabapi le Karabelo le Lereko, ntatae. Qoqa o ikamahantse le ditaba tse tswang palekgutsweng ena?
"Ke ile ka teana le Tseko le Mmatseko moo seteisheneng." Ho realo moruti molaetseng wa hae wa matshediso. " Ke ile ka ba botsa lebaka la ho ba moo. Ba ile ba mpolella hore ba emetse terene." Hona mona re se re tsebiswa ka mophetwa wa rona wa sehlooho e leng Tseko.
A sheba mophephetsi wa hae. A fumana e le ho maloro a mabe, ho diphaka, ho dihlathe difubeng mona, ho seatla se lekanang le kgarafu ya sekopo! Ho raohile ho ile hodimo mane, ho mo shebela tlase kwana.
##karaburetso e matla.
Gauta a phethisa ka moo a tshepisitseng ka teng. A fihla hoseng hatsatsi le hlahlamang a tlilo lata motswalle wa hae hore a ke a tsamaye leyena. Pele ba tsamaya, a botsa Abiele hore ebe na a ka rata ha a ka morekela biri na. Abiele a hla a qeaqea. Gauta a re ho yena. "Motswalle, otsebe hore o ka leka matsapa le makgobonthithi ohle a ho tlohela jwala, empa o tsebe hore o tlamehile hore o be le maikemisetso a ho bo tlohela. Ha ho no o thusa ka letho ka hore mohlomong o kgahlisa nna. O tsebehore ka ho etsa jwalo, o tla be o sa thetse motho mang kapa mang. O tla beo ithetsa wena ka bowena." Abiele a bolella eo motswalle wa hae hore o entse qeto le maikutlo a hae hore ha a sa batla jwala. Ba tsamaya.
##hae esaleng a kena pooneng.
Mohlomong ke bua tjena, ngwana enwa o se a ineile naha jwalo ka ha a kile a bua sena ka molomo wa hae nakong e fetileng. Yena Polao ka sebele, o ile a ba a bua hore ha a kgolwe hore enwa ke ntatae e le ka nnete. Ahlalosetsa ntatae ka taba tsa lengolo hore ngwana o lokela ho hlomphabatswadi ba hae, le ho re batswadi le bona ba lokela ho etsa jwalo, mme base hlokofatse ngwana ka dinako tsohle. Monna enwa wa ka o se ahlokofaditse ngwana enwa ka nako e telele, ho tloha ha a le lemo tseleshome le metso e mmedi. O ka utlwa le wena hore ha ngwana enwa a sea le dilemo tse leshome le metso e robedi jwale, o hodile. Etswe ngwanaenwa o hodile ha a le mokana mme a ka nna a nahana ho ineha naha ha bonolo.
Mmaditaba e ne e le mohlohletsi ho re ditaba di be mpe lehlakoreng la Mamohale. Ke mophetwa ya neng a tsheha ka ditsietsi tsa batho ba bang. O ne a sebetsa le Mamohale ha ba ne ba foroma ditene tsa ha hae.
2.2 Ho hlola a tetekilwe.
##hae ebile o sebedisa puo ho ya ka bokgoni boo a nang le bona.
Sena se netefatswa ke maele a reng, monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene. Terene e tla tla. Ha e le Tseko, o ne a di utlwa tsena tsohle empa o ne a sa utlwusise hore ena terene ke e jwang e sa fihleng. Tse ding di a kena di be di tswe, batho ba fihla ba be ba tsamaye. Le ha e ba dikgomo ha di na motlohapele, ena eo ba e emetseng ke e jwang. O ne a hloka botsitso, a ya hodimo le tlase, a bile a komakoma ka hanong ka mona. Bakeng sa hore bothata bo rarolohe, bo rarana le ho feta.
Qetellong e moholo a ithapela. A mo fa mosebetsi wa ho fepa difariki a be a di hlatswe. A hlokomele le hoko ya tsona ka ho e hlatswa le ho kenya jwang bo botjha. Ha Kepa a hopola tsena, menyepetsi ya theoha ka matla.
11.3 Gauta ke motswalle wa Abiele.
1.8 Bapisa lelapa la Abiele pele a nwa jwala le ha a se a nwa jwala.
Tebello ke mophetwa ya neng a le mafolofolo bakeng sa ho sebeletsa lapa la hae. Ke mophetwa ya neng a se na nnete. Ke mophetwa ya neng a sa tsotelle maikutlo a batho ba bang. O ne a tahwa ke lerato ho re a be a lebale maikarabelo a hae. O ile a balehela ha habo Tshepiso hoba a tshaba mathata a bophelo. O ne a rata methepa le ha a ne a le moholo a sa hlabuwe ke dihlong.
"Lereko Mantsha ke mang" Ke Tsholo eo, a se a befile haholo?
"Re a utlwa ngwanaka. Ke tla leka ho buisana le ntatao hore re tadimisise taba ena hantle hobane ruri lengolo le hlalosa feela jwalo ka ha o sa tswa bolela. Tabeng ya bobedi, ke ne ke sa rate hore o inehe naha jwalo ka ha o boletse hoba ke wena feela ngwana ya mong to! ka monwana mona lapeng. Ha o tsamaya re tla sala le mang Ntatao le yena a ke ke a thabela ntho ya mofuta ona ka mora wa hae.?
Ka nako e nngwe mongodi o ngola jwalo ka ha eka ke mophetwa wa pale. Mona o bontsha a na le seabo paleng. O ngola ka lentswe la mmui. Ka nako e nngwe o ngola e ka ke mopheti wa tseo a di boneng. E ka re o pheta tshomo.
"Ho tletleba hona ha hao ho hlile ho kgahlanong le melao ya Modimo, Tseko." Ho realo Mmatseko a bile a akgeha. Ha a le tjena, o tsoha sepetlele. Tseko yena ha a na puo. A ka reng E kae kgudu?
Leeto la ho ya Thekong le bile lelelele. Eitse ha koloi e kena ka haramotse wa Thekong, Mmathabo o ile a tshwanela ho tsosa Thabo borokongmoo a neng a ntse a lora ka boRitjha. Le hoja Thabo e ntse e le ngwana waGauteng, a makalla motse oo wa Thekong ka boholonyana ba ona le kamoo o ahilweng ka teng.
13.3 Kgohlano, qalo ya yona le mabaka a e totisang.
"Mokgashane, ka tjhakelwa ke wena kajeno, ho entse jwang?
"Mme, nna Ntate wa ka ke mang" Tshepiso o botsa ka pelo e bohloko?
5.6 Na e be Abiele o ne a le tlasa kgatello kapa tshusumetso ya tahi hore a qetelle a hlekefetsa mora wa hae. Ebang ho ne ho ka thwe o mo thuse o ne o tla mo thusa jwang?
Tshepiso o na le dilemo tse leshome le metso e mehlano, jwale. Hora keya bosupa, mantsiboya.
Ho ila sekgethe - Ho se rate ho hang.
Kgohlano e a qala kgatong ena. Abiele o fellwa ke mosebetsi. Sena se fetola maemo a bophelo ka lapeng lena. Tjhelete eo a neng a e bolokile bankeng e a fela hobane e hulwa feela ha e kgutle. Ka mora ho hloleha ho fumana mosebetsi ka mora hore a o batle, o fellwa ke tshepo o fetoha lekgoba la tahi.
Tebello a utlwa eka lefatshe le ka petsoha a kene.
Kganyapa e ne e le mmampodi wa Teransefala wa ditebele boimeng bo hare. Motswalle wa hae e ne e le Mokgashane. Bobedi ba bona ba ne ba tella ebile ba nyatsa batho.
Ha tadi e antsha - Motsheare o moholo.
Mosotho o ne a nepile ha a re, "Bitsolebe ke seromo".
Mohau a hlalefela ho bala, ho ngola le ho kgelekenya ka lehano ho feta bano ba sa sitisweng ke letho mmeleng ya bona. Ntatae a qala ho mo rata, a le motlotlo ka yena. Ao! jwale mosadi wa ntatae yaka a ka ja jwang le diphoofolo ha a bona hore jwale o siuwa potong. A hlorisa Mohau e le ka nnete ho tloha moo. Leqwabaatsana la phedisa ngwana ka mahlapa a tshabehang. "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi." Ho rialo Mohau.
Basebetsi ba dimmaeneng ba ne ba lwanela eng?
"Ntate." Ha arabela Polao a bile a tla a matha.
"E re ke tlohelle ho ingamangama. Ke le bule mme ke nto utlwa tsalona." A rialo a sa senye le ha e le motsotswana, a be a se a le bula, a le bala.
Kolobe le motswalle eo wa hae ba kgannwa jwalo ka batshwaruwa, hathwe ba iswa moo ba seng ba tla ikarabella teng. Ntho e ileng ya batla emakatsa Kolobe ke hore, ha ba ntse ba kgarametswa, ba kgothometswajwalo, matsoho a bakganni ba bona a ne a hlile a hana ho tiya ha ho ya holebilwe eo motswalle wa hae. O ne a lebelletse ho bona ba kgannwa jwaloba lebiswa nqa toropong, moo ba neng ba etswa teng. A makala ha a bonaba kgannelwa hosele, nqa morung o neng o le tlasana ho tsela. Yare ha ba kenella ka hara difate le mefelebithi ya dihlahla, a hla a kgodiseha horebatho bao ha se mapolesa, e mpa e le dinokwane tse ilo ba bolaya.
4.5 Kepa o sebetsa jareteng ya mmisisi.
Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke na le setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena ke ne ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevisheneng mona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile mme ho hlakile hore o phetse hamonate haholo. Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. O ntse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumane ke le ka hara ona. Dilemo tse tsheletseng ka mora ho re ke tlise yane Mmakabelo mona hae ho fana ka yena, mme ke kgutle makgoweng ho ya ntshetsa tshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo rata haholo. Ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo ka Gauteng. Yena ha ke hanane le hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ile a hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona. Tsietsi ke tsietsi.
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Batswadi ba ka ke hlile ke mona ka yona taba ya moshemane eo. Motsheare ka nako ya kgefutso mane sekolong, o lwanne le bashemane ba bang ba sekolo. Ha ke tla fihla moo ba neng ba lwanela teng, e ne e le ha ke utlwa lerata la bana ba bang ba sekolo, e le lerata le kwalang ditsebe tsa motho. Ha ke fihla, ke fumane a eme ka hare ho bahlankanyana ba tsheletseng bao ho neng ho thwe o ne a lwana le bona, mme ba bang bona ba balehile. Bana bohle ba pakela Polao hore bahlankanyana bao ke bona ba qadileng moferefere oo, etswe ho utlwahala hore e se e le nako e telele ba kgwathakgwathana le yena. Bana ba tsheletseng ba ne ba rapalletse fatshe mme ba le madi ebile ho re tlere! fatshe moo ba neng ba robetse teng. Ho thwe ba bang ka baka la bokwala, ba ile ba menola tlhabela.
"Kgele, ke lehlohonolo le lekakang, banna!" ho rialo yane e mong. "Lenna ke ya hona teng. Ke ne ke le tsietsing e tshabehang ha ke nahana hotasola ke le mong, hara naha e jele boya tjena. Ha re hle re iqeke, emoholo, esere ra iphumana re emetse e marothodi a maholo."
"Mmaditaba ha o swabe, ka mehla ha ke kopana le wena o dula ompotsa ka monna wa ka." Mamohale a raoha.
La bua jwalo lentswe le ka hare le sa bonweng ho Mohau. Jwale kamehla ya boela ya eba Mohau wa maoba le maobane. Ka moramatsatsinyana a mmalwa feela, a be a se a ntse a re: "Ke leboha kgutlana laka, Ramasedi!"
Hoseng a tshwara terene e yang hae, pelo ya hae e le bohloko ha e le mona a siya metswalle ya hae. "Tsohle di a sala jwale, matshwenyeho a fedile, a setse morao, mpeng ya lefatshe." Ke yena eo a nahana. Tsohle di a feta.
Phutheho ya dumela, mme bafu ba theolelwa lebitleng.
Lelapa la Thulare le se le itokiseditse ho ya moketeng. Mora wa ka, Thulare, ke lepolesa la mmuso mona Mangaung. Ngwetsi ya ka, Mmapalesa, yena ke mosebeletsi wa setjhaba, ya ikarabellang kgodisong yabana.
3.2 Mmathabo o ruta poraemari.
2.9 Lelapa le mofuthu.
Tseko o bontsha kgalefo ya hae hobane a ne a sa batle ho emela terene. Empa o tla etsang ha e le moo ngwetsi e hloloheletse ho bona matsala yona. Mmatseko le yena ka lehlakoreng le leng o thabetse sena haholo hobane o ne a tatetse setloholo sa hae. Tjhe, ke nkgono ofe ya neng a ke ke a tata le ho thabela seo Setloholo le ngwetsi e mo hloloheletsweng?
"O tsamaye hantle Ntate, badimo ba Bataung ba o kgantshetse ditsela", Mamohale a didietsa. "Tsela tshweu bo."
Puisano e hodisang moralo e pakeng tsa baphetwa, sebopeho sa pale se thehilwe hodima puo le puisano ya baphetwa. Ho teng baphetwa bao semelo sa bona le maikutlo a bona di kgemang le maemo le dinako. Bana ke ba bitswang hore ba tjhitja hobane ha ba sekamela nqa e le nngwe. Ba sa fetoheng le maemo le dinako, ho thwe ba sepapetlwa. Ba dula ba le jwalo ho ya ho ile. Ha a le kgopo, o kgopo jwalo ho ya qetellong.
Ho fellwa ke matla - Ho kgathala.
"Ke tla re ke lesowa, ebile tholang re se re le haufi le yena." Tebello obua a subela hempe hantle. Ba fihla pela Tshepiso. Moeletsi le Tsietsi ba kena ka hara lebenkele, hasala Tebello.
Mamohale a bea Bibele, a tswa ka tlong ha a bona koloi e ema ka ntle.A bona moradi wa hae ka koloing, a tshwere lesea. Mamohale a nka leseaho Tshepiso eitse ha a re mahlo tloha a bona Tebello. Monna wa hae esaleng a kena pooneng. Tebello a rotha mofufutso o tlalang noka.
Ho phahamisa maikutlo - Ho halefa.
Metsi a phallang.
Ho fetile dikgwedi tse pedi feela ka mora hoba Mohau a utlwiswe bohlokojwalo yaba ho etsahala kgoba motseng wa Mautse. Maswabisadihlong, mapalesapelo, a aparela lelapa la mmuelli, lehae le hlomphehileng, mohatsaleqwetha o nyametse, o ile le mohodu le mala. O ile, o kene morung lemohlankanyana yane wa ho kudisa Mohau mosebetsi. Ba iketse. Kgalemosadi enwa a ithatetse mohlankana wa hae ho tloha hona mohla a neng a reha a batle diqhwala ha hae. Qwetha la batho, konyana ya nku, la sala le behilematsoho phatleng, ruri le ahile ntlwana ya lefokotsane.
3.6 Mongodi a ka hlahisa baphetwa ba hae ka tsela tse fapaneng ho fetisa molaetsa wa hae.
Bala seratswana sena se latelang e be o araba dipotso tse tla latela.
Mmakarabelo a arabela mantsweng a Lereko, a re, "Ke lahlehetswe kemotho ya ileng a mphutha, a nketsa motho. Ho tloha hona jwale ha ke saikutlwa ho hang ho dula le monna e mong, hoba ke dumela hore ha ho satla ho eba le monna ya tla tshwana le Tsholo bophelong ba ka. Tabeng yaKarabelo ya hore a dule le wena nke ke ka e arabela hobane o se a hodile, aka ikarabela ka boyena." Ha a bua jwalo, o sheba ka ho Karabelo hore aikarabele.
Bofokoding ba hae a loha maano a ho iphedisa. O ne a nne a boneseroki se seng sa monna se ntse se roka se etsa dintho tse ntle: mese, marikgwe, dikojwana, jwalo jwalo. Sesehi seo se ne se sa mo kgese, ka hooMohau a atisa ho se tjhakela, a nna a utswa ka mahlo hore na ho sehwajwang ho rokwa jwang. A inkela malebela ka mahlo feela, yaba ho lekane.A be a se a kopa ntatae ho mo rekela motjhini o rokang.
Motho wa monna ha a bona Manana kae kapa kae, neng kapa neng, jwang kapa jwang o ne a tlameha ho mo re qa! kgetlo la bobedi a ntanokwenya mathe kwiditi!
Lapeng la Abiele le teng bophelo ba qala ho fetoha. Mofuthu ola wamehleng wa nna wa fetoha mohatsela ho fihlela o iphetola leqhwa laMariha. Abiele a qala ho halefela le dinthwana tse sa tsebisahaleng. A bonaha mosadi a se a ikgantsha hoba jwale e le yena ya tlisang phofo ka lapeng.A qala a tshwaya diphoso ho Mmathabo. Motho a hla a fetoha sonasefelapelwana sa qhibididikgwaqa. Ka nako tse ding thabo ya hae e akgaphatseha athe ka nako le motsotso o se a fetohile sebata se hlaha seikemiseditseng ho harola dinyamatsane. Dikomang le diqabang ya qala yaeba tsona tseo ho kofellwang ka tsona, ebile e le seshabo lapeng la Abiele. Abiele a qala a fetola mosadi wa hae pantjhingbeke. A lala a mo teteka a mo ntsha maoma. Thabo le yena a qala a tshaba ntatae. A mmona e lephoofolo e hlaha e tshwanang le eo ho thweng ke mmamaririelle waKalamajweng! Tshwene eo ho neng ho buuwa ka yona paleng. Thabo o nea e nyathela nyene le bosiu.
##eng" Ke Moeletsi ya botsang."Ke eng" Tsietsi le yena a botsa."Banna! Banna!" Ke Tebello eo. "Le bone kgarebe eo e ntle""Monna Tebello, ke ngwana motho eo, mo nke jwalo ka ha eka ke moradi ho wena." Moeletsi o eletsa Tebello. "Tjhee! Ha a o kgahlile tsamaya o ilo ipuella monna." Ke Tsietsi kalentswe le makgerehla?
"Ke tla le arola dikoto tse pedi. Bao e leng kgale ba le teng, ba tla tla honna mme ba batjha bona ba tla nka ditaelo tsa bona ho Prudence."Takadimane o ile a kgefutsa nakong eo a emela hore Prudence a fetelepele. Prudence e ne e le ngwana wa dilemo tse leshome le metso e mmedi. Pelo ya ka e ne e le bohloko ha e le mona ke tla rutwa ke ngwanana lehona ya monyenyane hakana Takadimane a tswela pele, puo ya hae yantshosa hobane ke ne ke bona eka mantswe ana o ne a a lebisa ho nna?
Setjhaba sa etsa ditlatse, mme ka hohle ya eba mehoo ya thabo. Bannaba hobela, ba tlala, ba ba ba thenthetsa. Basadi le barwetsana ba o hlaba, ba o laola modidietsane. Kaofela setjhaba se a dumela hore a behwe ngwanawa setjhaba. A behwe ngwana eo wabo sona. Ha a behwe hle!
Hlalosa hore Kabelo enwa ke mang.
Araba hore ke Nnete kapa Mafosisa.
3.1 Ho ja monakaladi wa kobolelwa 1.
2.9 Ho kenyetsa motho letswalo.
Empa ho fetile matsatsi a mmalwana feela Mohau wa rona a le mahlomoleng a ho kotelwa jwalo yaba o se a ntse a itshehela a ikgothatsa, a ipalla dibuka tsa hae. "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi." Tjhe, eo motho!
Mongodi wa palekgutshwe ena ke motsebatsohle. O tseba sehloho sa jwala. O re fa ka letsohong tseo jwala di bo etsang ha motho a inehelletse bona. O tseba le hore letahwa le ka thuseha ha feela le dumela hore le na le mathata.
Ha ba fihla ka koloing ya Mmakarabelo, Mmakarabelo a mmotsa horeke hobaneng ha a mmotsa hore o tseba monna eo ho thweng ke LerekoMantsha. Tsholo a kgwaolla lengolo ka mokotlaneng wa baki, a leneheletsa Mmakarabelo a ikgutseditse, eo yena a le amohela yaba o a lebula.
Ketso ya hore batho ba tshwarane ka matsoho ya Karabelo e ne e le pontsho ya eng Hlalosa ka dintlha tse tharo?
"A jwalo ka afe?
Ka hlaha ka fenstere, mme ka tadima dithaba tsena tsa haeso. Pelo ya ka ya utlwa bohloko, moya wa ka wa senyeha, mehopolo ya ka ya kgutlela ka mane ka Gauteng, moo ke qetileng boholo ba dilemo tsa botjha ba ka teng.
Kgohlano e bang teng ha ngata hara batho e bakwa ke eng?
"Nkgono Mmaletsatsi o kopa ho bua le wena, nkgono." Ke Palesa eo, ase a nneheletsa mohala. Ka o nanabela.
Ho ipha dimenyane - Ho baleha.
Tebello o ile a fela a tsamaya le ho lakaletswa mahlohonolo ke mofumahadi wa hae. Ha a tsamaya Tebello o ile a boela a toboketsa taba yane ya ho tla lapeng ha kgwedi e fela. Na e kile ya phethahala Dikgwedi di se di le robedi jwale Tebello a lebelletswe. Ruri bitso lebe ke seromo! Ba ile ba sitswa ka ngwana ngwanana ya bitswang ka ho re ke Tshepiso, Tebello a e so ho bonahale?
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!"
11.2 Mma Thabo ke mosuwetsana poraemari.
Ba kena bomasenyeletsa lapeng la Abiele. Ba kena ba ikakgela jwalo kaphakwe ha e ubella ditsuonyana. Metswalle ya hlaha ya mo fa dikeletso. Bahla ba mo jwetsa hore a se ke a ikutlwusisa bohloko hobane ha se yena a lemong ya mathateng ao. Metswalle ya mo ruta pheko ya ho itebatsamathata a fatshe lena le ka kwano. E, ngwana batho a hla a kenya hloohoka hara botlolo hoja motho wa rona dibabane tsena a ne a di ila sekgethe.A ipha jwala mme e re ha a nwa a nwe ho faswa. E bo, ba hla ba mo rutaho nwa le ona majwala ana a ka dibotlolong tse marapo, tseo o kafumanang eka di itlamme ka difikabelete. A fetoha lekgoba la tahi. Hosengha a ne a tsoha hlooho e ne e opa, a nyokgoloha, a feroha dibete, ahlatsakaka, a etsa mehlolo. Abiele e ne e se e le lekgoba la tahi, bo mo laelaebile bo mo laola.
1.5 Ba ile le kgongwana hodimo. E. A so shatjwe.
"Ke a leboha." Ho realo Tshepiso.
Ho haba dibaka - Ho tsamaya le dibaka.
Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke moqabanyi. Hangatamoo ho qhomang meferefere, ditshokelano ekasita le tsona dipolayano, otla utlwa ho ntse ho buuwa ka bona kgafetsa. Sesosa sa mathata! Re adumela, mohlomong, ho re, "Jwala ha bo na phoso, phoso e mothong." Kere mohlomong hobane ekasita le bona botshela-le-tlale, bao motho wa boteng a seng a fetohile tshobotsi mme melomo e le dibetjhobetjho tsekgubedu tlere! O tla utlwa ba ntse ba ikgothatsa ka ona mantswe ao. Malapa a mangata a thubehile, dinatla di wele diphahameng, batho basenyehetswe ke mesebetsi mme malapeng a mang bana ba setse e ledikgutsana ka baka la kgodumodumo ena eo le moshanyana' Sankatana aneng a ke ke a o besa wa tuka ho yona. Ntho ena ha se sebapallwa, kemoraparapa wa selalomehadi sa sekwenyamatjhaba! Ha se pheko. Ha sepheko bo!
Ngwana wa mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha - Motho ya sa mameleng dikgalemelo o qetella a kene tsietsing.
Ba ile jwalo, ba nkile tselana e lebang nqa borwa. Ha ba le kaekae, monna elwa a kenya letsoho ka mokotlaneng oo a neng a o jere lehetleng, ho bonahala hore o batla ho ntsha ho hong ka ho wona. Eitse ha a bona eoa etsa jwalo, Kolobe a hla a mo qwaya, a ba a salla morao hanyenyane horea tle a bone hantle hore na se tla etsahala ke sefe. Ebang monna eo o rerileho mo hlasela, a tle a tsebe ho itshireletsa. Athe tjhe, eo o na mpa intshetsamoqollwana wa ho neng ho shebahala jwalo ka sakarete, mme a nto ohotetsa. Eitse ha eo a sa hutse mosi wa pele feela, Kolobe a utlwa ka monkohore jwale motswalle eo wa hae o itjella kgomo-ya-fatshe. "O se ke wamakala, e moholo." Ho rialo monna eo, ha a elellwa hore Kolobe o belaetswa ke ketso eo. "Ntho tsena re a be re sa di etse ke lefeela, ditsietsi tsena tse re aparetseng. E ye e re ha hlooho ena ya ka e tjhesa, e opa ke honahana ka thata, ke hule e mmedi, e meraro, ebe ho re etlo mahlongmona." Kolobe ha a ka a arabela taba tseo, a mpa a le nyaya la koloba. Kawona motsotso oo ha re a phekgohe, a ikgutlelle moo a tswang, empa aphakisa a hopola hore ho etsa jwalo e tla be e le ho itahlela hara makanyanea bosiu, a ntseng a larile, a latetse ba phirimetsweng jwalo ka yena tjena. Ebile o se a iteta sefuba feela, a tswela pele. O ne a se a itse o tla lwana yakgumamela haeba mothwana eo a ka tshoha a mo fetohetse.
Ho beha tau setswetse - Ho ba sebete.
Maemo a bophelo bo tsitsitseng ka hara lelapa a itshetlehile lekenong la lelapa leo. Lekeno le letle le tswa maemong a matle a mosebetsi le boemo boo o leng ho bona mosebetsing oo. Kgethollo e bileng teng ka hara naha ya rona e ile ya lebisa moo khampane eo a neng a e sebeletsa e ileng ya hula matsete naheng ena ka baka la dikotloqobello. Abiele o fellwa ke mosebetsi. Ka lebaka la hore ha ho sa na lekeno, le dipenenyana tseo a neng a di bolokile o qetella a se a di sebedisitse kaofela. Mona jwale ke moo mathata a qalang teng. O leka ho batla mosebetsi, ha a o fumane. Ho tsieleha hoo ho fetola botho ba Abiele e leng ntho e etsahalang hangata bathong. Mofuthu wa lapa la hae o a senyeha. O halefiswa le ke dinthwana tse sa reng letho. Mosadi le ngwana ba phela ka thupa.
Tshwarelo ke ntho e kgolo bophelong. Ha o foseditse motho o tshwanela ho kopa tshwarelo. Eo ho kotjwang tshwarelo ho yena le yena o tshwanela ho amohela kopo eo hore ho tle ho be le kgotso pakeng tsa ba fosetsaneng. Ha o sa tshwarela motho ya o foseditseng ha ho ka etsahala hore a hlokahale le wena ha o fumane phomolo moyeng. O a kgathatseha, o bone e ka re hoja o mo tshwaretse mohlomong a ka be a sa hlokahala.
"Tjhee, o ntlhotse.' Ke Mmatseko eo, a se a ntse a opa diatla, a maketsejwalo ka ha eka o qala ho bona Tseko, athe ke ngwana wa hae, ohodisitswe ke yena, mme o mo tseba hantle. "Ha e le banna ha ba namamello. Ha se ba bangata ba lona ba tla kena ka kgoro ya lehodimo. Boholo le tla iphumana le le kwana ha Ramautla."
O kgalemela nkgono le batho ba bang hore ba tlohelle ho kgethela bana ba bona banna e le hore ba shebile menyetla kapa maemo a itseng.
Ho tloha mohlang oo, Kolobe ha e ya ka ya hlola e le Kolobe yane eo batho ba Dikalaneng ba mo tsebileng e le mothwana feela ya itshebeletsang merafong. A fetoha ya eba motho osele. O ile a qala ka ho kena kereke, mme a fetoha modumedi e moholo. Sena se ile sa mo tlisetsa tshusumetso ya ho theha mekgatlo e mengata ya batjha, eo sepheo le morero wa yona e neng e le ho qobisa batjha dintho tsohle tse ka ba susumelletsang ho etsa diketso tsa botlokotsebe. O ne a ya le metse le metsana a ntse a hopotsa batswadi ka boikarabello ba bona ba ho hodisetsa bana ba bona tshabong le leratong la Modimo. Ka mehla ha a ne a bona ngwana wa motho e mong a etsa ntho e tswileng tseleng, o ne a utlwa bohloko bo boholo, mme menahanong ya hae ho fihle mantswe a reng, "Ke mora wa ka! Ke mora wa ka!" Mesebetsi ya hae e metle e ile ya mo fetola moetapele ya hlwahlwa setjhabeng sa habo.
"Moratuwa, hantlentle o hlahetse mona Nelspruit kapa o etile" Hobotsa Tebello?
Ho ja monakaladi wa kobolelwa - Ho iketla; ho phela hamonate.
Tsholo Mphutlane ke mosuwehlooho sekolong se phahameng, motsengwa habo wa Mahwelereng. Ke motse o tummeng ka tsa temo. Ke monnaya tsebahalang haholo ka lerato le boikokobetso, ho bana ba sekolo, mesuwe, mesuwetsana, baahi le bohle ba mo tsebang. O nyetseMpontsheng ngwanana kwana Mehloding, moradi wa Batsoeneng, eo kadikgomo a neng a se a bitswa Mmakarabelo. Bobedi bona bohlohonolofaditswe ka ngwana moshanyana, e leng Karabelo. Mmakarabeloke mooki sepetleleng sa Mahwelereng. Mosebetsi oo o o fumane lemongtse tharo tse fetileng. Dithuto tsa hae tsa booki di lefelletswe kemosuwehlooho Tsholo. Karabelo o na le lemo tse robong. Ka dithuto obala sehlopha sa boraro, se seng se tsebisahala ka ho re ke kereiti yabohlano. O kena sekolong se tlase sa Mahwelereng se ahilweng katoropong ya motse. Sekolong sena, Karabelo o kena le bana ba basweu, esitana le mesuwe le mesuwetsana ya sekolo sena boholo ke ba basweu. Lebitso lena la Karabelo o le rehilwe ke ntatae hobane pele a tswalwa e nee le dilemo Tsholo a kopa ho ba le ngwana. Ka ngwana enwa o ne adumela hore Modimo le badimo ba arabetse thapelo tsa hae.
3.2 Letswalo la nkgwebetha.
4.10 Kepa o hopotse hae.
Moo teng ka hla ka hana hehehe! Haesale ke nka ketso eo e le ho fenethalesea. Ha ke eso ka ke eba mmolayi, mme ha ke sa tla ba yena. Ka ikana hore ngwana enwa o lokela ho phela. Le kajeno ke ntse ke itebohela ka qeto eoya ka. A ko mpolelle hore majoro ho ka be ho behwa ofe. A ko mpolelle.
5.4 Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng. Ke eng tse Mmathabo a di entseng ho tiisa ntlha ena.
Tshebediso ya mabitso.
"Toko, ka moo ke bonang o phedisa ngwana enwa ka teng, o tla qetellaa iphetotse setsetse." Ho realo Mmatoko hoba leo e ne e le lebitso la hae."O bolela jwang O re ke tlohele Polao a etse manyofonyofo ao a hae?
5.4 Ho ipha dimenyane.
Selemo le selemo, ka matsatsi a phomolo, ke ne ke kgutlela moo hae, hotlisetsa mme le bana beso tjhelete, le ho hlophisa mabaka a mang a bophelojwalo ka motho. Ka lenyele ke ne ke ipha nako ya ho ya nyarela manekgwebong tsa Mataboha, Meqheleng, mme ka tsela e jwalo ka nna kaithuta bophelo ba moradi enwa wa Mataboha, ya bitswang Refilwe, ya mong.
Ho nkgisetsana mahafi - Ho lwana.
Lelapa la Abiele, lapa le neng le le mofuthu! Le ne le le mofuthu lapaleo la ngwana eo wa batho nakong tsane ha a sa ntsane a tseba ho qoqahamonate le mora wa hae Thabo le mohatsa Mmathabo. Le ne le le mofuthu lapa leo la Abiele ha a ne a bile a tseba ho thabisa ba lelapa la haeka ho ba isa lewatle kwana. Ke moo Thabo a ileng a kgahlwa ke dintho tsengatangata, hara tsona re ka qolla ho natefelwa ha a ne a palame kariki yaRitjha. Nnete ke ho re nako di a fetoha mme mathata a hlwa manolohodimo.
5.5 Letlalo la motho ha le thakgiswe.
Mojalefa ba kgutlela lapeng.
Kolobe e ne e le motho ya lokileng. O a dumela kapa tjhe Netefatsa karabo ya hao?
Mophetwa eo ho buuwang ka yena mona o re o ne a le ka hara mathata ha a ntse a hodisa Thulare. Hlalosa mathata ao.
Ho lwana ya kgumamela - Ho lwana ntwa e kgolo.
Bolela tseo Kolobe a ileng a di etsa hoba a fetohe.
5.4 Mehla ya diketsahalopalekgutshweng ena 5.9 Kepa o kgutletse haboke ka.................... A Ya kgale. A Terene.BE mahareng. B Bese.C Ya sejwalejwale. C Tekesi.DE sa tsejweng. E Koloi ya hae.
Polao o ne a ntse a hola, ebile a kena sekolo jwalo ka ngwana e mong lee mong. E re ka ha moo bashemane ba leng teng ho eba tengdiqhobeshano le dintwa, tsa nkana ka tsatsi le leng. Kgabane ya rona, Polao, e ne e le seqhenqha sa moshemane, a le matla ana a dihole. A hlile ae tseba ntwa, ebile eka o e tswela sekolong. A tabola motho wa hae hore amo robe dikgopo. Ba bitsetswa phaposing ya mosuwehlooho ho ya utlwahantle hore na ya phoso e bile ofe. Moshemane ya robehileng dikgopo afumanwa a le molato mme a iswa sepetlele ho ya okelwa teng. Mosuwehlooho o ile a kgalemela Polao le bashemane bohle ba sekolo kakakaretso hore ho se hlole ho etsahala ntho e jwalo moo sekolong.
Toko o qadile neng ho sotla Polao?
Re a tseba hore bana ke nthwana tse sa lebaleng ka pele, tsehlokomelang dintho tse kgolo. Polao o ne a bua ka pelo e bohloko, e sisangha a hopola ka moo ntatae a mo otlileng ka teng. A ipotsa hore na ebeToko ke ntatae na kapa tjhe.
Re sheba Yaba re eme, re eme, Mmatseko o leka ho kokobetsa Tseko ka ho mmolella hore tsohle di a emelwa. O ka potlaka jwang kapa jwang bophelong, tsohle di a emelwa. Sena se netefatswa ke maele a reng, "Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene." Terene e tla tla. Ha e le Tseko, o ne a di utlwa tsena tsohle empa o ne a sa utlwusise ho re ena terene ke e jwang e sa fihleng. Tse ding di a kena di tswe, batho ba fihla ba be ba tsamaye, ena eo ba e emetseng ke e jwang. Le ha eba, dikgomo ha di na motloha pele, ena eo ba e emetseng ke e jwang. O ne a hloka botsitso, a eya hodimo le tlase a bile a komakoma ka hanong ka mona. Bakeng sa ho re bothata bo rarolohe, bo rarana le ho feta.
Ho hafa ka nkatana - Ho ikgona, ho kgora, ha o na le tjhelete.
5.5 Naha ya rona ebile ka tlasa kgatello e matla ka lebaka la dikotloqobello na o ka hlalosa hakgutshwane ka seo o se tsebang ka diketsahalo tse lebisitseng kgatong eo.
"O, ke a bona." Tshepiso ha a kgolwe.
NS Zulu o na le kamano e telele le Sesotho. O kene dikolong tse tlase ho fihlela ho tse phahameng Qwaqwa. A nto ba titjhere, morupelli wa matitjhere, moeletsi wa thuto le morupelli yunivesithing. Hona jwale ke porofesa le hlooho ya lefapha la dipuo tsa Aforika Stellenbosch University. Thuto ya hae ya bongaka e ne e akaretsa ho hlahiswa ha baphetwa dipading tsa Sesotho. Lengolo la hae la MA lona le ne le shebane le ho hlahiswa ha nako dipading tsa Sesotho, mme o e fumane ka dinaledi.
Majoro o a behwa hona letsatsing lona lena le tjhabang. Ke nako e teletsana jwale e le taba e tsejwang hohle naha ka bophara hore letsatsing lona lena ho tla behwa majoro. Taba ena esale e le melomong ya batho bohle. Ba bang ba ne ba thabile, ba e bua phatlalatsa. Ba bang bona ba neba e buela sekgukgung, dikgotjheletsaneng. Ha o ne o ka bona batho baeme matlotlosia ba seba, o ne o se o tseba hore ba bua ka yona, ha hopotang.
"Tshwarelo Mme, ke ne ke sa tsebe hore taba ena e tla o thonkgamaqeba ka tsela e tjena." Tshepiso o bua a swabile. Mamohale a re,"Hosane o ye ha Ntate Moloi, o lo nkopela tafo, ke tsebe ho tlo foromaditene."
##dilengwana e tla mo thusa.
"E e... e..., morena ke ne ke tlilo batla mosebetsi."
"Re a leboha, ruri." Ho thaba moruti le mmamoruti. "Ya mmoledi ke eo e kena terene. Ya hae e potlakile. Ho hole moo e yang."
4.1 Kepa o hlokomela le ho fepa difariki.
Ho itsibola - Ho ba le ngwana wa pele.
Monna eo, Phehello Mohapi, ke yena ntata Thulare. Ke ile ka hodisangwana enwa wa ka ka bothata ka ha ke ne ke se ke tlohetse mosebetsiwane wa dikitjheneng ka baka la ho qabana le monngaka ya neng a sa rateha ke nyalwa, ke eba le bana. Motho ke motho.
Bophelo bo boima - Ho thata bophelong.
6.4 Tlhasenyana ya kgohlano.
Bothata ba ho hloka mosebetsi le ho fellwa ke tjhelete bo ile ba ama Abiele haholo, a ba a fetoha mekgweng ya hae ya bophelo. Metswalle ya mo eletsa ho nwa jwala a itebatse mathata. Abiele a qala a nwa jwala, e be ha a nwele o lwanela le dintho tse sa reng letho. O dula a shapa mosadi wa hae ka mehla. Thabo wa batho o betswa ntle le mabaka. Mofuthu wa lelapa lena o fetoha mohatsela ho fihla o fetoha leqhwa. Thabo o sitwa ho ka emela ho be esale a tetekwa ke ntatae, o ikgethela ho phela mebileng. Ho tsamaya ha Thabo ha sala ho utlwisitse mmae bohloko haholo.
Ka tsatsi le leng hara mpa ya motsheare Tsholo o ne a le lapeng ha hae, ha ho fihla mangolo matsohong a hae. Le leng la mangolo ana, le ne le mo makaditse hoba a le bule, le ditaba tsa lona tsa tswella ho mo makatsa. O ne a bile a se na le dikarabo ho hang a ba a bona ho le molemo hore a ye sepetlele kwana ho mofumahadi wa hae.
"Na o ne o mametse puo ya pele ya majoro" Mmaletsatsi a hla a tobataba. "Ha ke kgolwe hore e o fetile"?
Kgabareng lepolesa le leng la hlaha monyako wa ofisi, la mo hwehla ka letsoho hore a kene ka hare. Kolobe a kena ka moo a hlahlile mahlo jwalo ka motho ya lebeletseng molaetsa wa tlokotsi. O fihlile a dula setulong, mme a lebella ka tjheseho ho utlwa seo a neng a se biletswa. Ka mora ho thetha sekgohlola, mookamedi wa mapolesa a mo hlalosetsa ka setopo sa mohlankanyana se fumanweng sebakeng sela seo a neng a tlatlapelwa ho sona ke dinokwane. Letswalo la mo re he! a ba a thunya mofufutso nkong le phatleng. Mookamedi a tswela pele ho mmolella hore mapolesa a hae a ile a fumana sephephetjhana sa pampiri ka pokothong ya borikgwe ba mohlankana eo. Sona se ne se ngotswe lebitso la Phakiso Kgomoyadira.
4.4 Kepa o sebetsa dimmaeneng.
Dihora tse pedi tsa fela ke ithutile ntho tse tharo feela, ke ne ke safufulelwa ho hang. Ka fihlelwa ke kgopolo ya hore ke ntse ke senya nako yaka.
1.2 Bolela hore nako eo boTseko ba neng ba ilo lata Mmamojalefa seteisheneng, e ne e le nako mang.
Ha e le Mohau wa batho a utlwela mmuelli bohloko haholo. A makatswa ke diketso tsa batho ba nang le dibopeho tse ntle, batho ba hoshebelwa ruri. A ipotsa hore na ekaba yena o sa tla ke a be le mosadi ha e lemoo e le nthwana batho feela e kgesehang. Empa jwale ho thusang ha e lemoo le barui, batho ba rutehileng, dikwankwetla, bahale ba furallwa kebasadi! Ho thusang ha e le moo ho se na moedi pakeng tsa e moholo le emonnyane Ho thusang ha e le moo namane di matha le bommatsona!Yena a ka re nakanaka a fella kae a le dilota jwalo Yaba o re, Ke lebohakgutlana la ka, Ramasedi!?
Kolobe o ne a le malala a laotswe, a hlometse, ho feta moo a itshepile. Tiisa sena ka ho qotsa dintlha ho tswa palekgutshweng ena.
"Mme, ke ne ke kopa ho kena sekolo Nelspruit." Tshepiso o araba kapele, a thabile.
Benjamin Thabo Mokgomatha ke letswallwa la Brakpan old location ka selemo sa 1956, ka kgwedi ya Tshitwe. Nakong eo a neng a sa ntse a ithuta ka yona sekolong se phahameng sa Mamellong Nqabeni, o ne a atisa ho qoqela metswalle ya hae dipale tseo a di badileng mme seo se ile sa mo lemosa ka mokgwa oo a nang le bokgoni ka teng. Lebaka leo le ile la mo qobella ho bala dibuka ka ho fetisisa e le hore a kgone ho tswella pele a ba qoqela dipale tse ding. Ka tsela e jwalo a fetoha thatohatsi metswalleng ya hae le ho baithuti ba bang.
6.1 Ho qhautsa.
Pelo e tletseng mahlwele - Pelo e utlwileng bohloko.
Ha re shebeng puo le setaele sa, Yaba re eme re eme. Re le babadi re fuwa le ho bopelwa setshwantsho ka tshebediso ya maele le kgetho e hlokolosi ya mantswe ke mongodi ha a ne a re, "Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene," terene e a emelwa, ho tla e tla tla. Ha terene ena e se e sa fihle, batho ba hlokahetse, ho sebediswa maele ana, "Tlalo la motho ha le thakgiswe." Ke ho re ho hlokahala ha motho ha ho tlohellwe feela, sesosa se a batlisiswa ho fihlella qetellong. Setshwantsho seo re se fuwang ka tshebediso ya mantswe ke ho re, re baeti fatsheng lena, mme nako ya rona e tsejwa ke Mmopi feela. Mongodi o boetse o sebedisa mokgabiso wa puo, e leng tshwantshiso. Lefu le hlahiswa le ho rehellwa e le terene eo ho thweng e a emelwa, e leng lona lefu ka sebele. Maele a reng, "Dikgomo ha di na motloha pele", a tiisa taba ya hore lefu le ha le nka ba bang pele, ba tlang ka morao ba sa tla be ba fihle le bona. Ka hona mongodi o entse kgetho ya maele le mekgabisopuo ka tsela e hlokolosi e kgohlelang hantle le maemo a ditaba, mme seo re re ke bonono le bokgeleke. Athe mongodi wa, Jwala ha se pheko, yena o e bontsha tjena, o sebedisa puisano hore hlahisetsa baphetwa ba hae. Puo ya mophetwa ka mong e hlakisa ka ho phethahala seabo sa hae palekgutshweng. Thabo ha a bua re utlwa hantle hore ke ngwana, le dipotso tseo a di botsang ke dipotso tse ka botswang ke ngwana e mong le e mong ya dilemong tsa hae.
Manana a mo eta ka pele a itshwere thekeng a re ho Mohau, "Boela hae kwana sekokotwana towe!"
Ka sebopeho le botho sa Mohau le sa Moferefere mongodi o re ruta eng?
Ho kgebethwa ke letswalo - Ho otlwa ke letswalo.
Kepa ke mophethwa ya tjhitja hoba o fetoha le maemo a ditaba. Ka mona o a utswa, ka lehlakoreng le leng o bua ka Modimo, neng o se a latela mekgwa le meetlo ya Basotho. Qoqa ka sena o ntse ikamahantse le maemo a susumeleditseng tsena.
Batswadi ba ka ke hlile ke mona ka yona taba ya moshemane eo. Motsheare ka nako ya kgefutso mane sekolong, o lwanne le bashemane babang ba sekolo. Ha ke tla fihla moo ba neng ba lwanela teng, e ne e le hake utlwa lerata la bana ba bang ba sekolo. E le lerata le thibang ditsebe. Hake fihla, ke fumane a eme ka hare ho bahlankanyana ba tsheletseng bao honeng ho thwe o ne a lwana le bona. Ba bang bona ba balehile. Bana bohleba pakela Polao hore bahlankanyana bao ke bona ba qadileng moferefereoo. Ho utlwahala hore e se e le nako e telele ba kgwathakgwathana le yena. Bana ba tsheletseng ba ne ba rapalletse fatshe mme ba le madi ebile ho retlere! fatshe moo ba neng ba wetse teng. Ho thwe ba bang ka baka labokwala, ba ile ba menola tlhabela.
Ka Sesotho ha o tswa mabitleng o hlapa matsoho empa matsatsing a kajeno batho ha ba sa hlapa matsoho ha ba tswa mabitleng. Maikutlo a hao ke afe ka taba ee?
"Tswela pele re utlwe!" Ho realo Toko.
Setsheho se seholo sa batho ba boneng ketsahalo eno sa busetsa Mohau kelellong ya hae. Maidiidi a mo lesa. A halefa. A fufulelwa. Pela Manana teng a ka harola tau, a ka tsekolla motho a ba a mo kwenya. A ka mpa a itela, a bolawa ha fela ka yena.
"Ke ma ng" Tshepiso o lla ha bohloko?
Mesong ka dialla, a hopola mabitleng moo ntatae a robetse teng. O fumana lebitla leo a sa tsebeng hore ke la mang. Kepa o etsa jwalo ka ngwana Mosotho o beha lejwe. Hono ha ho mo kgathatse, o ikgothatsa ka ho re lefatsheng mona batho ba a hlokahala.
6.4 Ho ba ka hara mathata.
Ngwanaka, ke bolawa ke lefu la pelo ho bona ka moo ntatae a mo phedisang ka teng. Le maoba ha a ne a lwanne le moshemane yane wa pele, ntatae o ile a mo otla hoo pelo ya ka e sa kang ya rata le ho kgahlwa ke ketso ya mofuta oo. Ke lekile ho hlalosetsa ntate Toko ka taba ena, empa yena o hana heehee! ho utlwisisa. O bolela hore ngwana ke wa hae, mme o lokela ho mo hodisa ho ya ka moo yena a batlang ka teng. Ke mo hlaloseditse hore thupa ya ka mehla e ke ke ya bontsha lerato la nnete pakeng tsa mora enwa wa rona le rona jwalo ka batswadi ba hae.
"Ke utlwile hle, motswalle wa ka." Ke nna eo. "Majoro ha a buile, obuile. Ke tla etsa tsohle tse molemong wa eo ngwanangwanake. Moetapele, ke moetapele".
Mokoena ke setho sa mokgatlo wa bangodi haholoholo ba puo ya Sesotho, o tsebahalang ka hore ke Metjodi Writers. Ke mohlanka wa lehokela (PRO) komiting ya phethahatso ya Metjodi. Mokoena enwa wa Ntai le Mokgeseng o ngotse dithothokiso tse mmalwa. Tse ding tsa tsona o ile a di etsa meketjaneng e fapaneng. Tse ding tsa tsona di le pokeletsong ya buka ya dithothokiso eo ba e ngotseng hammoho le ditho tsa Metjodi, le moeletsi wa Metjodi e leng Ngaka KPD Maphalla. Ka 2007 o ngotse tshwantshiso e tswellang pele e leng, Mehlaleng ya ntate e ileng ya haswa seyalemoyeng sa setjhaba sa lehae la Qwa-Qwa se bitswang Qwa-Qwa Radio. Lehlohonolo ke e mong wa batjha ba nang le seabo se toma ntlafatsong le ntshetsopeleng ya puo ya Sesotho le dingolwa tsa yona. Ke motjha ya boulelang puo ya hae haholo, e leng sona se ileng sa etsa hore a atlehe dithutong tsa hae tsa materiki puong ya Sesotho ka dinaledi.
1.5 Hlalosa hore Tseko enwa ke mang.
Khotso Nkhatho o hlahetse Mmamahabane, Ventersburg ka la 23 Loetse selemong sa 1953. Ke letsibolo lapeng labo. O qadile ho kena sekolo Mmamahabane Community School ho fihlela a qeta sehlopha sa botshelela ka 1968. Ho tloha moo o ile a ya kena Tshiya college of education, Qwaqwa ka 1969 mme a fumana lengolo la Materiki ka 1973. Ka 1975 o ile a atleha ho fumana lengolo la botitjhere ba sekondari le neng le bitswa Junior Secondary Teachers Certificate. Ho feta moo o ile a nna a ithuta ka ngollano le yunivesithi ya Vista ho fihlela a phethela lengolo la Higher Education Diploma ka bo 1993. Ha a ntse a le sekolong e ne e le motho ya ratang ho bapala ditshwantshisong tsa kalaneng haholo. Ka 1968 o ile a bapala tshwantshisong ya kalaneng e neng e bitswa, O Jelwe ke makgala, moketjaneng wa tumediso ya barutwana ba sehlopha sa botshelela. Ha a ntse a le Tshiya, o ile a bapala ditshwantshisong tsa kalaneng tse akgang e neng e ratwa haholo e leng, Who Is To Blame, e neng e ngotswe ke e mong wa baithuti, e leng Moses Maphasa. Ka 1977 o ile a ya sebetsa Lekgotleng la Kgaso la Aforika Borwa (SABC), Gauteng, e le sebohodi, mohlahisi wa mananeo le mmadi wa ditaba. Hara a mang a mananeo ao a neng a a tsamaisa e ne e le la Mpolelle, e leng la dithoko le dithothokiso ekasita le Letlotlo la Sesotho, e leng lenaneo la puo ya Sesotho. E ne e bile e le mohlahisi wa ditshwantshiso tsa Radio Sesotho. O ile a hapa moputso wa pele tlhodisanong ya bongodi ba ditshwantshiso tsa radio ka tshwantshiso ya hae eo sehlooho sa yona e leng, Tjootjo e hlomile sesela. Selemong sa 1982, Mokubung enwa wa Moshodi wa Marokane motho wa ha Kuape, o ile a qala ho sebetsa e le sebapadi sa ditshwantshiso tsa thelevishene. Hape o sebeditse e le moeletsi puong ya Sesotho ha ho etswa ditshwantshiso tsa thelevishene tsa Sesotho. Khotso e ne e le mohlahlobi wa dingolwa tsa ditshwantshiso tsa thelevishene tsa Sesotho. O ile a ngola tshwantshiso ya thelevishene eo sehloho sa yona e leng, Ha a mele ditshiba. Mona e ne ebile e le sebapadi le mohlahisi wa yona?
"Thola ngwanaka, se ke wa itshela ka meokgo tjena. O tlohele homamela bana ba sekolo," Mamohale o leka ho qoba ho bua le moradi kataba ena.
##ntho eo a sa e tsebeng ka monwana o motona wa leeto.
Ka nako e nngwe o bone Ritjha a tlola mme o be o tiise o re batho ba palameng kariking mono ba tla ketoha, athe tjhe, empa e le menyakwe feela e kgahlisang e etswang ke banna bao. Ke batho ba ratang batho, ba ratang ho etsa hore batho ba phutholohe ha ba etetse mono Thekong. Ke Abiele eo ha a araba mora wa hae.
"Terene e a emelwa, Tseko," ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho ya lata mohatsae le lesea la hae seteisheneng. Mohatsae o tswa kwana ha habo Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng.
Ke o kopa hore hosane o ke o tsamaye le nna ho ya kopanong ya mokgatlo wa rona. Ke o kopa hore hosane hoseng ka Sontaha ke tle ke tlo o lata mme ke o fumane lapeng mona jwalo ka ha ke o fumane tjena kajeno. Ke nako re ne re arohane motswalle. Ha ke a thabiswa ke dipuo tsa batho ho ya ka moo ba o tshehang ka teng. Ha feela o ka dumela hore o letahwa mme o hloka thuso Abiele motswalle, ke o tshepisa hore le wena o tla bona hore dintho di tla fetoha. Abiele le yena a swaba. A swaba hobane o ne a kile a utlwela hore Gauta o iphetotse lehlena. Empa jwale ke moo o a mo kgothatsa. A utlwa a tlallwa ke tshepo eo a sa tsebeng hore na e tswa hokae. A ikutlwe a le morolo mme a ikemisetsa hore ha le tjhaba letsatsi leo la Sontaha, o tla be a tsamaya le motswalle eo wa hae, Gauta. Gauta a tsamaya a tletse tshepo le yena hore motswalle wa hae o tla fela a phethise tshepiso ya hae.
Menyepetsi e theohang.
Sehlooho sa pokeletso ena ya dipalekgutshwe ke, Ha ba arabe. Ha ba arabe ebile ke e nngwe ya dipalekgutshwe tse bukeng ena.
Ke hona moo ho ileng ha fihla molaetsa wane o mahlonoko haholo, o ileng wa sisinya naha esita le lefatshe kaofela, oo baphatlalatsi ba melaetsa ba ileng ba batla ba tshaba ho o phatlalatsa.
Ke ona he mabaka a etsang hore mmae a dule polasing. Ka ha kemohlolohadi, a ke ke a lema, a rua. O tla nne a thuse ka ho hlatswa le ho koropa fatshe hobane o fuwe monyetla wa ho dula polasing a se na monna. Kwana o ne a fuwa makumanenyana a wang tafoleng. Ha a hlatswa dijana, o tla nne a tshele masalla polasitiking. Ha a fihla hae a futhumatse, bana bakgore. Ntho e nngwe e utlwisang Kepa bohloko, ke hore dikgaitsedi tsa haedi nyetswe di siile bana ka bobedi, boraro ho isa boneng. Tse pedi ha di sonyalwe. E nngwe e nyantsha ngwana wa botshelela, e nngwe e lebelletse wabone. Ha Kepa a bona hore ho thata ho fumana mosebetsi polasing a ya leka toropong. Teng o ne o le mongata, e le wa dijareteng. Difemengkwana ho thata. A fumana mosebetsi wa ho lokisa serapa, le ho hlwekisajarete, le ntho tse ding tse jwalo. Bommisisi ba mo thabela haholo ha bautlwa hore o tswa dipolasing. Ba re o tshwanetse hore ebe o a hlompha.
Mohau a anela feela ho re, "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi!" Yaba o kgotla seeta o ikela ha hae. Bohle re na le makgutlana a rona ka hofapana. Re mpe re lebohe Ramasedi ke hona.
Eitse hoba a theohe koloing eo ya baeti, mme a be a hatise pasa ya hae, jwalo ka ha ho ne ho hlokahala, a boela a kena koloyaneng e nngwe e nenge se e emetse methwaela ya ho qetela ya baeti ba neng ba hlaha ka mose hoMohokare. Koloi ya phakisa ho tlala baeti mme ya nto tatamala ka bona holeba ka toropong ya Maseru. Ha koloi e ntse e nyolosa jwalo ka bona, Kolobe o ne a ferekane maikutlo, a ipotsa hore na ebe o tla etsa jwang ha aka fumana makoloi a baeti, a lebisang ha habo Dikalaneng, a se a tswilekaofela, etswe e ne e se e le shwalane e kgolo. Tshepo ya ho finyella haetsatsing leo ya hla ya mo fella, hobane Dikalaneng ke sebaka sa dithaba tsamaloti a Lesotho, mme ha makoloi a yang teng a se a ile a tloha Maseru, ebe a se a tla boela a kgutla ka la hosane.
Ho bonyabonya - Ho bososela.
Kolobe o ile a raroloha ha bohloko setulong seo a neng a dutse ho sona.A rabaka ka hara ofisi, a leba kwana le kwana jwalo ka lehlanya, a ntse a hoeletsa a re, "Ke mora wa ka! Ke mora wa ka! Nkiseng ho yena ke yommona. Ke mora wa ka!" Mookamedi wa mapolesa a fana ka taelo horeKolobe a iswe ka koloi polokelong ya ditopo. Ha fela ha uwa. Kolobe ofihlile a idibana ha a fumana hore setopo seo efela e le sa mora wa hae, Phakiso. Leqeba le neng le le ka sekotlong sa Phakiso le ne le ile la monahanisa hampenyana. O ile a hlaphohelwa ka mora dihora tse ngata, mmea qeta letsatsi leo lohle a ntse a phetapheta ona mantswe ale a bohloko. "Kemora wa ka! Ke mora wa ka!"
Nathaniel Sello Litabe o hlahetse le ho holela motseng wa Ladybrand kala 24 Mphalane selemong sa 1933. Sello o kene dikolong tse latelang, Moroka, e Thaba Nchu; Goge, emotseng wa Kimberley, moo a ileng a suuwa ho ba mosuwe. O kile asebetsa Qwaqwa dikolong tse kenyeletsang, Tshiya, Bonamelo, Thahameso le Thibella. Sello o ngotse dibuka tsena tse latelang, Wa llamolodi, Setloholo sa Jemina, le Boikgutsong Thabantlenyana.
"O se ke wa realo hle, wena Mmaletsatsi," ke nna eo. "O no hopola obua ka mang." Ka sheba motswalle wa ka ka la moleka.
Tshepiso ke mophetwa ya neng a sa phethahatse ditshepiso tseo a neng a di entse ho mmae. Ke mophetwa ya neng a ratane le monna e moholo ho yena, athe ke ntatae. O ne a etse ngwana le ntatae (Mr T). Ke mophetwa ya neng a sa nke dikeletso. Lerato o ile a mo eletsa empa a se mamele.
2.6 Ho ineha naha.
2.7 Ho di raha.
"Ha a behwe hle!" Ho hoa setjhaba ka mahlahahlaha. "Ha a behwemotjha wa Afrika ya kajeno!"
"Hei wena leshodu towe! E seng o tshwarehile Ha o le manganganyanatjena ke bona eka o tla tswa mona jareteng o le moshampana hobane di tla o tabolela tsena tsa ka. Bua!?
2.3 Phehello Mohapi. C.
1.3 A so ka a behwa letsoho. C. A "haeka".
3.6 Abiele o etetse lewatle Kapa le lelapa la hae.
"Ho ja ka mpa ka mo tshwarela!"
2.3 A lala a batla ngwana.
"Bana ba dipolasing ha re na nako ya bona. Hlooho tsa bona di nkga mosi, di thata. Ba dithoto jwalo ka dikgomo. Ha ba ye sekolong." A tjho jwalo a lahlela pasa hole kwana ho tswa ka fensetere. A se ke a itshwenya le ho sheba sefahlelo sa monnga yona hore o a belaela kapa jwang. O se a shebile ya latelang moleng.
Sebedisa mantswe a latelang ho hlalosa jwala ka ho tlatseletsa dikgeo moo di siilweng: mosotli; selalomehadi; qabanya; pheko; matjhaba.
Na mongodi o atlehile hore bontsha kgolo palekgutshweng tsee Bolela le hore ditaba di hlaha palekgutshweng efe?
"Re emetse terene." Ho araba Mmatseko. "Terene ya Thekong e lokelaho ntlisetsa ngwetsi le setloholo. Ngwana wa moshanyana."
##le ntshepisa hore le a tla. Jwale le e ntse Mamohale Pu! Fatshe.
Tshepiso a tshoha haholo.
13.8 Banna ba sebetsang dimmaeneng ba dula komponeng.
Bapisa karabo tse kholomong ya B le dipoleo tse kholomong ya A. Ngola dikarabo feela.
Abiele ke monna ya hlokomelang lelapa la hae ka hohlehohle. O na le ngwana a le mong lebitso la hae ke Thabo. O sebeletsa khampane e nngwe e kgolo ka hara naha. Lelapa la hae ke le mofuthu ka nako tsohle. Jwalo ka monna ya sebeletsang tjhelete o ile a reka koloi. Hoba a e reke o ile a rera ho nka leeto le ba lelapa la hae ho ya lewatle Thekong. Thabo o ne a thabile haholo ke taba eo mme a batla ho ipona a se a le lewatle. O ne a botsa dipotso tse ngata ka tse a di utlwileng di buuwa ke metswalle ya hae ka lewatle. Ba ile ba ya lewatle ba kgutla.
"Ho lokile ngwanaka." Mamohale o bua butle, o buela fatshe. "Mme obonahala o sa thaba ho hang. Molato ke eng" Tshepiso a botsa?
Ka nyaroha. Pinyane ke eng?
Mahakwenyana a letsohong.
"ke wena ya binneng hamonate, setloholo sa ka." Ke nna eo ke se kefedisa ditaba di eso qale le ho qala. "Ha ho ya ka bang a o besa wa tukapela hao, wena ngwanangwanake. O tswere ya ditswere!"
"Haesale ke le be...... lla ntatao, mohlomong o tla kopana le yena, "Mamohale o bua dikeledi di theoha marameng. Mokganni a re, "Bomme!Nako e ya re siya ke bosiu." Tshepiso a aka mmae. Mmae a mo kwallalemati la tekisi. Ha e duma, e a tsamaya. E ile!Letsatsi ke la Laboraro bekeng. Letsatsi le tjhabile, noka e ya phophoma. Mamohale o na le mosebeletsi wa hae moo ba foromelang ditene, nokengya Kgopjane. "Mamohale o bonahala o hlorile, bothata ke eng" Ho botsaMmatefo?
Ka letsatsi le hlahlamang, e sa le hoseng ho hoholo, mapolesa a neng a sebetsa bosiu a qala ho nna a fihla motebong wa sepolesa ho tla fana ka ditlaleho tsa mosebetsi wa bona. Mapolesa a nnile a feta Kolobe moo a neng a ituletse setulwaneng, haufi le monyako wa ofisi ya mookamedi. Yare hoba la ho qetela le kene ka ofising, ha kwalwa monyako, mme ha qaleha lehomohomo.
13.4 Tharollo ya kgohlano.
Kajeno ha ho motho ya sa bueng ka yona. Ba baholo le ba banyenyaneba dumedisana ka yona. Ke hopola ha ke ne ke pepile mmae, ke haoladithota ka yena. Ke mo tlisa ka kwano ka hae, ho tloha kwana moo atswaletsweng teng.
Mona ke moo mathata a fihlang bokgutlong. Ngongoreho ya Tseko e fihlile bokgutlong. Thabo ya Mmatseko le yona e fihla bokgutlong ka tshohanyetso ka baka la koduwa ya naha. Terene e tswile seporong, e phethohile, e bolaile batho ba bangata. Ebile tsatsi le mahlonoko le nyarositseng lefatshe lohle. Bang ke mahlasipa, bang ke bafu, ke dillo le ditsikitlano tsa meno. Mohatsa Tseko le ngwana ba hlokahalletse kotsing eo ya terene. Matshediso a tliswa ho tswa ka mahohle. Hohle ho buuwa ka kotsi eo, naha e bodutu. Ke tsullung ya ditaba.
Ho Ha ba arabe, motho ke enwa haesale a ngolla hae a sa fumane karabo. Karabo o tlo e fumana ha a se a elellwa hore ha ba sa phela, ba ile kaofela.
O hodisitswe ke batswadi ba hlabuwang ke dihlong ha boitshwaro bo se botle. Re bona sena se hlahela Karabelo ha a ne a re ntatae a etse seo a mo kopileng sona kapa o tla mo ila sekgethe ha a ka se etse jwalo.
Ho dula tlasa moriti wa sefate sa moduwane.
Ha koptjwa hore mapolesa a mo qhobele koloi ho ya lapeng, hoba yena o ne a le maemong a boima, ao ka ona a sa tlamehang ho hang hodumellwa ho iqhobela koloi ka boyena. Mapolesa a fihlile a mo siya lapenghammoho le koloi ya hae, mme bona ba kgutla ka e nngwe ya dikoloi tsamosebetsi e neng e tla e ba setse morao hore e tle e tsebe ho kgutla le bona.
6.2 Ho hlokahala.
Tseba ho tloha kajeno hore ngwana eo ke ngwana wa ka. Ke ngwana madia ka. Ka lengolo lena ke ne ke o tsebisa hore haufinyane ke ya tla. Ke tlonka ngwanaka eo ke utlwelang hore le mo rehile Karabelo.
"Tshepiso ke a tseba o motle. Empa Ntate eo o moholo haholo howena." Lerato a kena dikobong.
"Ke ile ka teana le Tseko le mme Mmatseko moo seteisheneng." Ho realo moruti Mothobi molaetseng wa hae wa matshediso. "Ke ile ka ba botsa lebaka la ho ba moo. Ba ile ba mpolella hore ba emetse terene".
Mamohale Pu! fatshe.
Tlelereke e ile ya elellwa hore ho na le ho phoso. Yaba e botsa Tsholo,Ke eng Ntate Mphutlane Ebe ho na le se sa jeseng ditheohelang se sengse hlahile ha e le moo o kgelelletse mefufutso tje?
Diketso le diketsahalo tse bopang moralo di a nyalana, di iketsa ketane. Taba e itseng e bakwa ke e nngwe e tla e latela. Bangodi ba bang ba hlokometse ho re ho se be le taba e ikemelang e le notshi. Empa ho dipale tse ding diketsahalo tsa moralo di ye di se latelane ho fihlela qetellong. Se etsahalang morao se ka hlahiswa le pele se etsahala, mme se seng se etsahetse, se hlahiswe ka morao ho tlhahiso ya pele. Ha mongodi a hlahisa ditaba tje, mmadi o ye a be le thahasello le tjantjello ya ho bala ho ya pele. O rata ho tseba sesosa sa ntlha eno hore e bakilwe ke eng. Mongodi o tsamaya a fanyeha babadi a bue sena, e re ba sa lebeletse, a kgutle ho hetla ho bona hore na morao ho etsahetse dife. Mmadi o tla lemoha ha morao hore seo a neng a hopola ho re mongodi o se nyahladitse, o ne a mpa a betsetsa mahlo pele, a mo tjebela pele paleng ya hae.
10.3 Ho tjhesa ha letsatsi.
Ba okametse lebitla - Ba haufi le ho hlokahala.
13.1 Kepa o hlahetse Makgaoleng.
Ka mora moo, Polao a kgutlela merafong. Lentswe lane le ile la kgathatsa Toko le ho feta pele. A kula hampe hoo a ileng a kopa ba habo ho mmitsetsa moruti.
Ke selemo le dikgwedi tse pedi jwale, Tebello a dula le Tshepiso. Tshepiso o se a tswile sekolo, ka selemo sa hae sa ho qetela. Tebello le Tshepiso baqetela ba se ba ena le ngwana. Lerato la bona le ya kgaphatseha, ke mollo otukang malakabe a maholo, a hleneng. Ke Labohlano, ho na pula tse matlopotlopo, ka moya o batang. Tebello oqeta ho fihla o tswa mosebetsing. Ba qeta ho ja dijo tsa mantsiboya.
Hlalosa semelo sa Mr T papisong le mantswe a neng a buuwa ke mohatsae Mamohale, ha a ne a re, E le ha methepa o e siile le mang?
Ke hona moo moruti Mothobi le mohatsae ba ileng ba fihla mooseteisheneng, ba tlisitse mmoledi Motebang, ya rongwang kwana Kapa.
Ke nnete ho re nna ekaka ke a lla hara thabo ena, empa ke a itebohelaha ke sa ka ka ba le sebete sa ho bolaya lesea leo jwalo ka ha ke ne keeletswa. Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka bona eka borui ba ka kapabotle, di feta bophelo ba lesea leo ke neng ke le jarile.
Ho kopanya dintshi - Ho robala.
2.4 Ho sithabela maikutlo. D. Ho hlwedisa.
E be e le ha ho etsahetse jwang ho re mohwehadi a ngole lengolo Eo ke e nngwe ya dipotso tseo Tsholo a neng a ipotsa tsona. Se ileng sa mo makatsa le ho feta ke hore lengolo leo le ngolletswe yena?
Ke eng se neng se etsa hore Kepa a se ke a fumana mosebetsi difemeng?
"Ke tla tsoha e sa le ka madungwadungwana ho ya batla mosebetsidifemeng tsa Secunda." Tebello o bua a tonne mahlo, "Ke lona leqhekaleo."
Ho utlwa lelapa le itokisetsa leeto ho bontsha ho re lekeno ka hara lapa leo ke le letle. Ha se bohle ba ka fihlellang ho ka ya phomola mawatle. Dipotso tseo Thabo a di botsang ka lewatle ke tse bontshang kamano tse ntle ka hara lelapa leo. Ntate, mme le ngwana ba dula mmoho ho qoqa ka tseo ba kopanang le tsona bophelong ba ka mehla ka ntle ho lelapa.
Ke a leboha.
5.3 Dijareteng bommisisi ba lefa DO inehile naha.
Bana ba neng ba eme, ho Yaba re eme re eme, ba ile ba ema, empa seo ba neng ba se emetse, sa ba siyo. Ba ne ba eme ka tebello le ka thahasello e kgolo. Tlholohelo e ka etsa hore motho a se kgathale, a be le mamello e fetisisang, ekasitana le yona tshepo e tebileng. Tsena ke dibetsa tse hlolang kelello le maikutlo. Sena re se bona ho mosadimoholo Matseko. Empa ka lehlakoreng le leng ha o se na tsona o le motho, o ngala ha bobebe, o fela pelo, o teneha le ho ingamangama o sa qete. Sena re se lemohile se etsahala ho Tseko, ya neng a ntse a ingamangama, a tletleba a sa qete. Kharikhulamo ya naha e ntjha, e kgothaletsa ho re motho e mong le e mong a be le bokgoni, makgabane le tjhadimo e ntle, esita le ho rarolla maemo a batsi a bophelo ka tsela e nang le maikarabelo a tsitsitseng.
Hlalosa mosebetsi oo Kepa a neng a o sebetsa polasing ya difariki.
Hobaneng Mohau a ne a kgeswa ke batho?
"O se ke wa tshoha letho Thabo mora. O se ke wa tshoha letho ngwanaka. Ntate o a o rata ke ka hoo a tlileng ho tla o bona. Hang ha ofola feela mona, ke tla leka ka matla ho fumana mosebetsi mme re tla boela re ya Thekong hape, o ilo palama kariki ya Ritjha." Ho realo ntatae. Motho wa batho a amehile maikutlo. Mmae le yena a mo sebela. "O se kewa tshoha letho Thabo ngwanaka. Ntate o fetohile mme ha a sa nwajwala." Tlhase ya pososelo ya hlaha marameng a Thabo. Ntatae a mopholla phatla mme mmae a mo aka. Sefahlehong sa Thabo ke ha ho tletsethabo e sa belaetseng. "Ha ke fola mona ntate, ha ke sa batla ho ya sela dijomeqomong ya Hillbrow. Ke batla ho kgutlela hae." Ho realo Thabo akgotsofaditswe ke phetoho eo a e bonang ho ntatae.
"E re hle ke pakele thoto, hee!" Tshepiso o paka thoto a sa thaba.
Hobaneng mophetwa a ile a ba le kamano e matla le lelwala?
Mohlang joyene e fedileng, ha a fihla polasing eo baneng ba dula ho yona, pela lebitla la ntatae, o fumana lebitla le leng leo a sa le tsebeng. E be ke la mang Mona mongodi o phephetsa kelello ya mmadi hore a qetelle ditaba. Hopola ho re ha esale a ngolla lapeng empa ba sa arabe?
Ke mang a bolelang mantswe aa, "Ke bra T." O a bua ho mang?
Moleko ke molemo, mme Satane ha a rate ntho tse ntle. Ke nna eo ke se ke ekwa ke lekgomosha le itswelang hole kwana, ka ntle ho naha. O ne aitletse ka tshebetso feela jwalo ka nna Gauteng moo, mme eitse ke elellwahore ke thetsehile, hwa be ho se ho senyehile. Ka iphumana ke se ke lemoimana. Ha ke elellwa taba ena, lekgomosha ke ha le se le sa nkge leseporo, le kgutletse ha habo lona. Yaba ke kakatletse lefika, ha ho potang.
"Ke leboha kgutlana la ka Ramasedi." Ho rialo Mohau ho kgutla lena leoModimo a mo belesitseng lona. Le mo etsetsa dintho di hana ho fela. Le amo kodisa, a be a re na ekaba o ne a tswallwang, le boele le mo phemisemathateng, a sale a le opela mahofi lekgutlana la hae. Ditaba tsa moshanyanaenwa wa Mosotho di phunyeha moraorao kwana phokeng tsa bophelo bahae. O tswetswe a le lekgutla a le jwalo. Yare ha a le dilemo tse leshome feelalefatsheng a welwa ke koduwa ya ho kgaoletswa a utswa diapole difateng tsasenatlahadi se diphakaphaka tjena, se besang diphaphatha se di rekisa. Ha sepitla jwalo sefi, Mohau a tshwarwa, ha dithaka tsa hae tsona di kgola phalo, di poma diterata ka dipeta. Radiphaphatha a mo re qhau! a mo sudubanyafatshe. A mpa a mo hauhela, a re ho Mohau: "Badimo ba hao ba se bankahloletse wena ka lekgutlana lena!" Ka lentswe le makgerehlwa, le kgalefoe tukang malakabe Radiphaphatha a tswela pele, "Ha nka o tea ka seatla kapaka o raha hang feela o ka shwella kwana, wa ngaralla sehojana towe. Tlohapela ka mona o yo jwetsa mmao hore a o rute hantle." Mohau a ema aitlhothatlhotha ditlhotse, a tshematshema ka mora metswalle e mo siilengpotong. O tshematshema tjena meokgo e keleketla marameng a ntse a re,"Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi."
O badile ka moo bangodi ba ka hodimo ba bontshitseng tlhahlamano ya taba tsa bona ka teng. Ditaba tsena di hlaha palekgutshweng efe, mme na di lokodisitswe ho kgotsofatsang?
Ke mantsiboya wa letsatsi le mahlonoko ho Mmakarabelo.
Mmatseko o tletse thabo empa Tseko yena o bontsha a sa tlala thabo hoba terene e sa fihle kapele ka moo a neng a lebeletse.
"A ko tlohele ho tletleba hle, Tseko." Ho boela ho kgalema Mmatseko."Tsa tsela ha di ke di tsejwa hle."
Ka tsatsi le leng hoja e le hoseng, Abiele a tsoha hlooho e opa mme a sa tsebe seo a ka se etsang. Ha fihla motswalle e mong wa hae eo e neng e le kgale ba ne ba arohane le yena. Gauta ha a fihla lapeng la Abiele mme a mo fumana a le ka sebopeho seo a mo fumaneng a le ho sona, pelo ya hae ya utlwa bohloko. Gauta le yena o ne a kile a ipolaisa jwala mme a thuseha hobane a ile a dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. O ile a utlwela ka boemo ba ditaba lapeng la Abiele mme a ikemisetsa ho mo thusa.
##poone ng Tshepiso o bua a lla?
4.3 Ntata Kepa o hlokahetse.
Manana a kena motjekong le yena. Yaka lefatshe le ka ngamoha la mo kwenya Mohau wa batho. Manana o mo tsekisang Be, e se e le ka makgetlo jwale Manana a ntse a re yena o batla ho fuwa tjhelete e seng tjheletenyana. Pelo ya hae yaka e tetebela ka hara lehlwa le e hwamisang?
Kgohlano pakeng tsa Toko le Mmatoko e bakwa ke eng?
O ne a le beile pelong.
A ba a nahana hore le mo halefetse ha e le mona le mo tjhesitse tsela enakaofela. Ha a hlahela lerallaneng le haufi le habo, a sheba ka thabo ho bonamotse wa habo, empa a fumana masupi feela. A nna a tla jwalo ho fihlelaho leo e neng e le lehae la hae, moo a hlahetseng teng, a holetseng teng kaho hlopheha. A fellwa ke matla, a kgathala pelo. A phomola hodimalelwala leo a le tsebang hantle. Mmae o ne a atisa ho ba silela motoho kalona. A utlwa a makala hore mmae o le sietseng ha a ne a le beile pelonghakana, a ba hodisitse ka lona. Kepa a dula hodima lona a ntse a nahanantho tse ngata ho fihlela ho ba lefifi. A sama lona lelwala leo, a ithoballa.
Na ke a mo rata ngwanana eo!
Gauteng. Bahlankana le barwetsana ba bangata ba sebeditse ka moo, ka baka la kgaello ya mesebetsi naheng ena ya heso eo ke e ratang.
Ho ya ka motho ya le rutang hore o bona le lokela ho fetela dithutongtse ding kapa tjhe Kgwedi e ka fela o ntse o ithuta ho thiba setebele ka ditsela tse fapaneng. Wena tiisetsa mme o tla bona seo o se etsang se se se o natefela. Tsela eo o sa ntseng o tla e tsamaya, e telele, tema e sa le kgolo?
Abiele o ne a sa tswa reka koloi e ntjha. O ile a utlwa e le tshwanelo hore a ke a tswe le ba lelapa la hae ka yona ho ya boithabisong kwana lewatle. Motho o tshwanetse o etse jwalo ha teke e dumela, e seng mehla ena bathoba be ba ntse ba dutse hae ba ikentse dikgoho tsa hae. Ha se bophelo nthoeo. Batho ba lokela hore ba ke ba hahlwe ke moya wa dibaka tse ding. Hateke e dumela.
13.4 Bommisisi ba ne ba lefa Kepa hantle.
Kolobe o ile a iphumana a le ka hara tsietsi e kgolo ya ho phirimellwa tseleng, hoba a ne a sa tsebe motho sebakeng seo. O ile a hopola hore e ka mora wa hae o dula sebakeng se bitswang Qwading, mme a nahana ho ya robaletsa teng. E ne e le sebaka seo a neng a sa se tsebe, mme jwale bothata ke hore e se e le bosiu. O ile a kenelwa ke letswalo hoba a hopole bokweta bo atileng sebakeng seo. Kgabareng koloi ya fihla ya ba theola sebakeng seo, bohle ba ileng ba theoha ho sona. Monna e mong ya neng a ntse a palame le Kolobe koloing, o ile a bua le yena, mme ba tsamaisana tsela. Monna enwa o ne a qoqa hamonate le Kolobe hore dipelaelo tseo a neng a ena le tsona di tlohe.
Kaekae naheng e kgolo eo ya habo Mohau hwa qhoma ntwa e mahlo amafubedu. Dira di ne di hlasetse naha ya habo Mohau, jwale ho tswilebaromuwa ho thaotha bahlankana ho ya bosoleng, ho ya sireletsa naha, leho ya shwa. Batswadi, haholo bomme ba ne ba qenehela bara ba bona, baba sheba ka mahlo a tletseng mohau le menyepetsi. Na ekaba ba sa tlakgutlela hae ba ntse ba phela, kapa e le ditopo Kapa ba kgutle ba foufetse, ba holofetse, ba qhwadile hampempe, e le diritsa, ba kgaohile maoto lematsoho kapa ba hlanya Ho ne ho batleha dinatla, poho tse manaka athata, e seng dikokotwana tse kang Mohau. Ba thaothwang ba ne bangongoreha meyeng ha ba hopola ho kgaohana le basadi le dikgarebe tsabona. Ba leka ho pata matswalo le metouto ya bona ka ho etsa metlae yabatho ba ekang ba thabetse ho ya lefung, athe ba mpa ba pata sehlotsa?
Pelo e nngwe e re ke hle ke itete sefuba, ke bolelle ngwanenwa nnete eo ke ileng ka e patela ntatae esitana le mmae nako ena kaofela. Ya re ke hle ke mmolelle hore majoro enwa ya hlomamiswang kajeno ke motswalae hantle. Ke ngwana wa mofu rakgadiae, eo le yena a sa kang a ba a ba a tseba ka yena. Pelo ena ya hla ya re ke phahle makunutu, ke nye matsete, ke phunye seso, leqeba le fole. Empa letswalo la nkgwebetha, la re ke le nyaye le kolobe.
1.5 Mokgwa oo Toko a hodisang Polao ka ona na o tla etsa hore Polao e be monna wa sebele.
Ha e le Mmakarabelo yena a nna a tswela pele ka ho hlalosa Ke ile kaqobellwa ke mme hore ke lebise molato ho wena hobane a ne a sa rateLereko. O ne a re Lereko ke tsotsi e dulang e le ntlwanatshwana. A hlalosahore Lereko a ke ke a kgona ho hodisa ngwana hobane a sa sebetse le lapalabo le phela ka dilopi. A nqobella hore ke re ke wena ya nkimisitsenghobane a ne a re o a sebetsa, ngwana o tla fumana phepo e ntle.
11.1 Abiele o lelekilwe mosebetsing ka lebaka la botahwa.
Senokwane sa pele sa mo kgorohela ka mahlo a matsho, empa Kolobe athetseha hanyenyane, a se bona phatleng mona ka tshepe ya mohoma, sa basa ya kena fatshe. Sa bobedi le sona sa tla se kgorohile ka ho tshwana, sampa sa kgoptjwa ke sehlahla, sa fihla sa wela fatshe pela maoto a Kolobe. Ase bona ka sekotlong ka mona, a ba a utlwa hantle hore, haele seo sona, ose qetile, se ke ke sa hlola se tsoha le kgale. Dinokwane tse ding tse pedi, ha di bona hore bomphato ba tsona ba se ba le fatshe, tsa epela meomofatshe. Kgabareng Kolobe a iphumana a se a tobane le yane motswalle wahae. Ebile o se a mo kgorohela ka sekgahla se seholo, a fihla a mo kopathekeng mona ka diphaka, a mo nka ka matla, a nto mo tatlanya fatshe. Senokwane le sona sa hakala. Sa mo qhautsa ka leoto se ntse se le fatshemoo, sa mo hulela ho sona. Ba nkankana, ba kolokotjhana, ba pitikisana, ba ba ba ya re tlole! ka sekotjaneng se ka tlase ho moo ba neng ba ntse babetana teng. Ka lehlohonolo Kolobe ya eba yena ya ka hodimo ha ba welajwalo. A se ke a hlola a sentse nako, a fofela senokwane molaleng mona, a se dula kwenya ho fihlela se ba se kweletsa mahlo. Eitse ha eka se tla fellwake moya, a se hatoha, a se siya se namaletse moo.
11.3 Lere le ojwa le sa le metsi.
5.5 Tjhoba le letse phoka.
13.7 A mang a mabaka a tlhopeho ya Kepa ke mmala wa hae.
Tebello, ka mahlo a maholo a masweu. "Ntate ha ke utlwisise." Ke Tshepiso ya bonyabonyang."Lehakwe la pelo ya ka, pelo ya hao e hapile ya ka," Tebello ka lentswe le lesesanyane.
4.2 Ba okametse lebitla.
Mamohale a botsa, dikeledi di theoha marameng.
"Ke sitwa ho bolela lebaka la dikgapha tsena. Le nna ha ke tsebe. Ke ntse ke leka ho itshwara, ka nnete ha ho lebaka weso." Ba nna ba qoqaqoqa tse ding tse amanang le mathata a lefatshe, empa pelo ya Kepa e le hole le yena. E matha hole dinaheng tsa kgotso, tsa tokoloho. E le neng a fumana hore monna ya neng a mo qoqisa o se a theohile. A utlwa bohloko ha a sa mmona a theoha.
1.5 Ke motswalle ofe wa Abiele eo a ileng a mo thusa hore a tlohele jwala?
Ho ineha naha - Ho baleha.
"Ke kgwedi tse robedi jwale Tebello a sa nthomelle tjhelete, a sa tle hae, ebile ha a sa re ngolla mangolo. Ke ipotsa hore ke tla hodisa lesea lena laModimo Tshepiso ka eng Ke robala ke itsosa. Taba e nkutlwisang bohloko le ho feta ke hore, Tebello ha a tsebe hore o na le moradi, e lengTshepiso. Tebello esale a ntshepisa hore o a tla."Ke dilemo tse robong jwale esale Tebello a kena pooneng. Moya ke ohlabang, bosiu ke bo bokgutshwanyane, letsatsi ke le lelelele. Mamohale ontse a rutwa ho foroma ditene ke moahisane wa hae Mmaditaba?
Diketso le seabo sa baphetwa di boela di ba arola ho ya ka ditabatabelo tse itseng. Ho teng molwantshuwa, e leng mophetwa wa sehlooho. Ho be le ya mo sitisang, e leng molwantshi. Ho ka ba le ya kenang dipakeng ho thea kapa ho hlohleletsa. Enwa ke monamodi.
Re bolelle ka tlhahlamano ya ditaba pale kgutshwanyane ena.
4.9 Ho le nyaya le kolobe.
Ho tjha ntsi - Ho tshaba ho bua ho itseng.
Ha motho a ntse a tadima diketsahalo lefatsheng, sebakeng seo a phelang ho sona, hangata o kopana le mefutafuta ya batho bao a phelang le bona. Hara batho bana ho teng bana ba atisang ho phela hammoho le ha ba sa hlahe lapeng le le leng. Ka baka la hobane ba sa tshwane ka tlhaho ya bona, ba be le ditshwaetso tsa ba bang le tsa sebaka seo ba phelang ha sona.
Tebello ke yena ntata Tshepiso hantle. Ke mohatsa Mamohale ka sebele. Ke Mr T. O ne a ikgakantse hoba a bona methepa. Ke yena eo e saleng a lebellwa, ha a ne a tshepisitse ho re o tla kgutla ha kgwedi e fela empa ha se be jwalo. O ne a sebetsa Secunda mme qetellong feme ya bona e ile ya fallela Nelspruit. O ile a ratana le Tshepiso moradi wa hae, a ba a ba le ngwana le yena.
6.3 Ho ba sebete.
Kgethollo ya mmala ho bonahala e le ngata mona moo Kepa a tswang. Qolla dintlha ka hara pale tse totobatsang hore e feela kgethollo e ne e le teng moo.
Metswalle ya Tebello e mosebetsing, ho lla tshepe feela ka femeng."Monna o a tseba taba ya Tebello le ngwananyana enwa ha e ntjeseditheohelang ho hang." Tsietsi o tjheselletsa tshepe. "Tsietsi! A ke re kewena maoba mona ya neng a hlohlelletsa Tebello" Ho botsa Moeletsi?
1.2 Ntata Thabo ke mang?
"Le behwa ke eng mona, mme Mmatseko" Mothobi a botsa?
Bashemane dikatara ba di thetsa feela ka menwana, ha thomo yona mohlankana a e tidinya. Ha engwa ka bobedi, ka bobedi. Yare ha Mohau a atamela ho Manana ho tantsha le yena, seqhenqhahadi sa mohlankana se selelehadi tjee sa mo re shwato! nkong mona ka menwana ya letsoho le letshehadi, sa mo tjekeletsa kwana! Mohau a ya thula lebota le haufi le moo, a ba a ema kgekgenene! Lekgutla le opa, katiba ya hae ya Panama ya re pheu! ya wela fatshe, batantshi ba e hatakela ka maoto.
Jwale tangtang ya kgangwa ke lerole, re tlola jwalo ka mekoko ha reshebana, e mong a batla tsela ya ho otla e mong ntle le hore yena a otlwe. Ke ile ka tsietsa motho eo ha bobebe mme ka qeta ka yena ka pelenyana. Ditlatse tse ileng tsa tswa ho babohi, tsa nkgahla haholo. Sensei a bitsangwanana e mong ho tla lwana le nna, ka boela ka thaba ho bona ke fuwamonyetla wa ho bontsha bokgoni ba ka.
Tseo ke tsa beke e fetseng, ka Laboraro. Kajeno ke Moqebelo. Ke letsatsi la mahlonoko. Setjhaba sena seo o se bonang se shatamane mona, se tlile phupung ya mohatsa Tseko le lesea la hae, bao e leng ba bang ba mahlatsipa a koduwa eo e nyarositseng lefatshe lohle.
"Mojalefa o tla lokela ho ya sekolong sa ho ithutela ho kganna terene."
Letswalo le ba kgekgetha, bosiu ba sa bo hlothe boroko. Methepa yona edulela ho bokolla le motsheare ha e hopola hore lenyalo jwale ha e sa tla lebona! Ho feta mono mahlatsipa a tla phonyoha ka soba la mohodu ntweng, a tla kgutlela hae a se a sa kgahlehe, e le diqhwala tse sentsweng kedibomo, dikulo, mello le dikgase.
Tikoloho ya diketsahalo paleng ena ke efe E hlalose ka botlalo?
Mongodi e mong le e mong o na le setaele sa hae sa ho ngola. Ha re re mongodi o beha ditaba a re tjebela pele, re bolela tsela eo a hlahisang ditaba tsa hae ka yona. Ke tsela eo a bopang moralo wa hae ka yona.
Ho holoba - Ho nanya.
Refilwe o hotse jwalo ka bana ba bangata ba dikgorane. Hangata banaba jwalo ba a bokotswa, mme ba fetoha dintho tse itshepang, tseikgantshang, tse tellang, tse sa hlompheng le batho. Ha a se a tswile sekolo, a se a sebetsa ho le leng la mabenkele abo a dijo, o ne a sa bone motho kaletho. Le nna o kile a ntlhapaola hampe haholo ke mo thabetse, a mpolellaha moo habo e se bohlanyeng. Pelo ya ka e ile ya rotha madi, ha ba ha reke mo jwetse taba tsa hae, empa ka hopola dikano tsa ka, esitana le pinyaneya lelapa.
Mabitleng moo o fumane maemo a ditaba e le afe?
3.5 Ha ho potang.
Hlalosa semelo sa mophetwa enwa.
"Toko, motho ha a bue jwalo ka pela bana. O lokela ho kgetha mantswe a hao ha o bua, o eletsa ngwana. O hopole hore ngwana enwa ke yena mojalefa wa ka moso lapeng lena. Ho lokile Polao, tsamaya. Re tla shadima taba eo, ngwanaka."
"E thala e boela mosehlelong." Polelo ena e ka hodimo ke maele a hlalosang sena: motho botjheng ba hae o mafolofolo, a ka tlalatlala le lefatshe mme le bokako bo be bongata empa nakong tsa botsofadi o tshwanela ho kgutlela hae a ilo phomola. Sena ke se etsahaletseng mophetwa enwa ya bitswang Tebello. O ile a tloha lapeng ka le reng o ilo batla mosebetsi Secunda, mme o tla kgutla mafelong a kgwedi. Mohatsae Mamohale o ile a lebella ka tebello e kgolo empa yaba haesale a tshwariswa lefika. Mohatsae o se a kgutla le moradi wa hae Tshepiso empa a se a mo file ngwana. Tebello o ile a bapala, a se kgutle le letho mosebetsing oo a neng a o fumane.
"O batlang moshemane" Ke rapolasi eo. "Ha o tsamaya o bontshe bophelo. Ke polasing ya ka mona. Ha ke batle ditopo tse tsamayang kapa o jele terata ha o tsamaya o kotlobane jwalo ka kgomo ya lejeresi?
Mme wa Kepa o ne a sebetsang polasing. O ne a una eng tshebetsong eo?
CO hopotse lapeng.
Hlalosa mokgwa oo a mo tlontlollotseng ka ona.
Karabelo a tswela pele a re, "Ha ke rialo ha ke bolele hore ke a olwantsha nkgono. Sekolong le kerekeng ke hlola ke utlwa ho thwe ha homotho ya hlokang sekodi lefatsheng. Ka hoo ke kopa hore batswadi ba kale tshwarelane hodima tsena tsohle tse etsahetseng. Ha e le nna ke batla hoba moruti ha ke hola, hore ke tle ke tsebe ho ruta setjhaba ka ketso tsenatse soto. Ke kgothalletse batswadi ho se kgethele bana ba bona bahlankanahobane ba shebile menyetla kapa maemo a bona a phahameng." Ha a qetaho bua jwalo a kopa hore bohle ba akane, ba thehe kgotso. Bohle ba etsajwalo ho ya ka kopo ya Karabelo.
5.1 Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene.
Hang ka mora hore Kolobe a fane ka tlaleho mane sepoleseng, mookamedi o ile a laela mapolesa a hae a malala-a-laotswe ho potlakela sebakeng seo ho ya etsa diphuputso tse feletseng. Mapolesa a ile a fela a ya.
CO nyetse hape.
"Ho hlile ho jwalo Ntate. Re hloka le ya ho phoka bodumo." KeMamohale a bonahala a kgathatsehile maikutlo. "Ho thata."
4.6 Kepa o nka joyene.
"Tshepiso ngwanaka, o itlhokomele, o itshware hantle. O se ke wakgahlwa ke lefiso la metsaneng jwalo ka ntatao." Mamohale o bua a layamoradi.
Shwalane e ne e se e tshwere ha koloyana ya baeti e fihla ledibohong laMaseru, le arohanyang naha ya Lesotho le ya Foreisetata. Le ha kwana e nee ile ya tloha Belekomo nako e sa dumela, tekesi ena e ne e ile ya hlahelwake mathatanyana tseleng kwana ha e ntse e tla. Ho ne ho ile ha nkabotsebanyane nako e teletsana ho e henahena ho fihlela e ba e ka boela ekena tseleng hape.
Polelo ena, E thala e boela mosehlong, ke maele e hlalosang hore ha o sa le motjha ho bobebe ho ya hodimo le tlase, o ja monate wa lefatshe. Empa ha botsofadi bo fihlile, motho o lokela ho ya hae ho yo phomola. Ke maele a ananelang mahlale a kgale. Mophetwa wa rona Tebello o tswile lapeng ha hae ka le reng o ilo batla mosebetsi empa a se kgutle ka nako e neng e lebelletswe. O ile a kgutla a se a na le mathata a fetang a pele, a imisitse moradi wa hae. Ka mantswe a mang o tsamaile a ntse a na le matla empa a kgutla matla a se a fedile.
"Dumela, ngwanaka." Ba arabela hong.
Manana a nyalwa jwalo ka potlako, e le ha feela a itjhebetse mejo lemmethe wa Mojalefa. Dikgwedi tse mmalwana hoba Manana le Mojalefaba nyalane, ka lenyalo la semetletsahadi, hwa etsahala kgoba lebenkeleng haMojalefa. Mohau o ne a atisa ho reka tshwele ya ho roka hona teng. Thapameng e nngwe a re a sa kena ka lebenkeleng a fumana ho se namorekisi, batho ba eme le ho makala ka hara lebenkele. Hang hwautlwahala letjeketjeke la motho wa monna le wa mosadi ba omana kamorao ka kwana. Ha batho ba re mahlo tloha, Mojalefa o se a kena atitima ka lebenkeleng, a hemela hodimo. Ha a qala a re o rekisetsa bathofeela, Manana a kena a tshwere dibotlolo tse pedi tse tletseng tsa biri. Bobedi ba tsona tsa pshatlehela hodima hlooho ya Mojalefa, a ba a nyamelaka mora khaontara! Batho ba tswa ba petetsane ka lebenkeleng, boMohauba jere makgutla ba qaphaleditswe ke madi. La qhalana jwalo lenyalo laMojalefa le Manana wa letahwa ya neng a bile a kene kgweding ya boraroya boimana. "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi." Ho rialo Mohau. Mojalefa a nkelwa sepetlele ha Manana yena a kwallwa teronkong.
Hlalosa hore Tebello enwa eo ho buuwang ka yena mona ke mang.
Matsatsing ana tabakgolo e ne e le yona peho ya majoro wa rona. Diradiong le dithelevisheneng ho ne ho buuwa ka yona. E ne e le yonatabataba ya banna makgotleng le makgotlaneng. E ne e le yona e kasehloohong le matsemeng a basadi. E ne e buuwa ke bashanyana, badisanametebong le naheng. E ne e le yona tabakgolo ya banana didibeng. Babalang ba re le dipampiring e ne e le yona feela maqepheng a ka pelepele. Ha ho taba ntle le ena.
Ho sa jese ditheohelang - Ho hlobaetsa.
Hlalosa ka botlalo se ileng sa baka hore a se tsebe ntatae ka nako. Bolela dintlha tse tharo.
Keresemese e fetile. Ke kgwedi ya mathata, ya dikoloto, Pherekgong. Bana ba kgutlela dikolong, basebetsi ba kgutlela mesebetsing, bolofa bofedile. Mamohale a lefella moradi ka tjhelete e ngata eo a e fumaneng ha arekisa ditene. A lokolla moradi.
3.5 Jwala bo ka fetola motho.
"Nna ha ke na nako, Mme." Ke Tseko eo ka ho kgena. "Nke ke katheahlla mona dihora tsena tse ngatangata, ke emetse ntho eo ke sa eboneng. Ke kgathetse, ke tswa mosebetsing. Ke lokela ho ya phomola. Hake na nako eo nka nnang ka keta ka yona. Ka e qhala jwalo ka ha eka kenna morui wa nako yohle ya lefatshe."
Ke kgutlela merafong moo ke sebetsang hamonate teng. Ke tshwenngwa feela ke bophelo ba mme le ho mo hlolohelwa.
Tsholo a tona mahlo, a bona hantle hore ke nnete ha ho thwe lerato le sefofu. Empa se neng se makatsa ka Tsholo ke hore, o ne a sa kgarumeMmakarabelo motsotsong oo a ntseng a utlwa manyampetla ana. O ne amamelletse mofuthu wa ho phollwa ha monatjana mahetleng. Ketso ena ene e mo etsa hore a mo nee sebaka sa ho hlalosa empa yena Tsholo a saelellwe seo.
3.4 Ho ikenya tshotso dinaleng 4.
Kolobe e ne e le e mong wa baeti koloing eo. O ne a etswa merafong yaha Ramonate moo a neng a sebetsa teng. E ne e le tlwaelo ya hae, jwalo kabasebetsi ba bang ba merafong, ho nna a re kgalo ka hae kgafetsahaholoholo mafelong a kgwedi ho isetsa mosadi le bana tjhelete ya ho selale ho phetha mabaka a mang a lelapa. Haele lekgetlong lena teng, o ne a sea batla a qetile nako e teletsana a sa fumane monyetla wa ho ya hlaha hae. Ka hoo tlholohelo ya bana le mosadi wa hae e ne e se e totile. O ne a ntse alohotha ka bona nakong ena eo koloi e neng e robehile.
11.2 Moiketsi ha a llelwe.
Ho ba kgopo ho bolelang?
Pale e hleketswe, ya hola, ya rarahana ya ba ya fihla sehlohlolong. Jwale bothata bo a raroloha, ho fihlwa pheletsong. Ha se hangata bothata bo yeng bo rarolohe ha bobebe. Lefito la mophetwa le ye le rarahane, le nyehle le boele le finehe ka mekgwa e sa tshwaneng le ya pele.
Thabo a hla a di raha. Ya ba yena wa pele ya tsohang ka kgoho tsa pele. Ya hla ya eba lehlaphahlapa ha a tsosa batswadi ba hae. Tsatsi leo e lengkgale a le lebeletse le ne le fihlile. O ne a thabile hobane jwale le yena o tlatseba ho qoqa le boThabiso a sa ba makalle ha ba bua ka tsa ho re naThekong ke tulo e jwang. Thabo ya hae e ne e le e tlokomang, ekgaphatsehang. Ba feela ba lokela tsela, e le thabo feela lapeng leo laAbiele.
5.1 Tsatsi la mahlonoko.
Ho lohotha - Ho nahana.
Re sheba, Ke ngwana wa madi a ka. Mona ke moo ditaba di phethelwang, mme ha di phethelwe le bothata. Qaka kapa yona tshita e neng e le teng, e se e rarolohile kapa tharollo e fihletswe. Karabelo o etsa kgothaletso ya hore batswadi ba se kgethele bana ba bona bahlankana ba shebile menyetla e itseng kapa maemo a itseng. Ha a qeta a kopa bohle ba tshwarane ka matsoho. Sena e ne e le pontsho ya kutlwano le kgotso.
Hodimo komponeng kwana pina e se e binelwa hodimo, ka maikutlo le moya o thefulehileng, ekare bashemane ba otlela hae mohala wa moya. Ba bina, 'Re hopotse batswadi' ka Sezulu. Ha re a nyolohe a yo bina le bona ha a utlwa molaetsa wa pina, empa a dula fatshe. Tlase mane metsi a hosha ha monate, a mo hopotsa matsatsi a ho feta, a mo tlisetsa letswalo ha a hopola bokamoso ba hae ka letlalo le letsho tsho! A ikgothatsa ka ho re o tswetswe le lona. Ho lehlohonolo ba jelang tafoleng e tekilweng hantle ka lebaka la mmala wa bona. A akgela lejwe hape. Ho hlile ho phodile hamonate mona tlasa sefate, boinotshing.
Hoseng e sa le ka madungwadungwana a tsoha, a ya mabitleng. O ne aikemiseditse ho ya lokisa majwe a lebitla la ntatae. Ka nako e nngwedikgomo di atisa ho a heletsa. Ha a fihla, a fumana mabitla a se akampetswe hantle ka terata. Le lebitla la ntatae le le maemong a matle. Semo makatsang ke hore lebitla le haufi le la ntatae ke la mang. Ha a letsebe, le sa le letjha. A itshedisa ka hore ke lefatsheng, batho ba ahlokahala. Mohlomong ke e mong wa bao a ba tsebang polasing moo. Anka lejwe thokwana mane a le beha lebitleng leo, a ya lengotswaneng lehaufi, a hlapa matsoho. "Modimo o ne a re file, mme o boetse o nkile, hororiswe lebitso la hae le halalelang. Amen." Ke yena eo ka pelong.
Mmuelli e mong wa moo Mautse ha habo Mohau, a batla mohlalefi ya ka kgonang ho ngola mangolo a hae a mosebetsi wa ho buella batho. Ba tsebang mohlankanyana Mohau ba hla ba lebella hore leqwetha le tla ikgethela yena hara phiphithahadi ya batjha ba neng ba ngotse ba ikopela ho ya sebeletsa leqwetha.
4.5 Ho orohela badimong.
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!" ya hae o fele. Polao a bolella mapolesa ka moo eo ntatae a mo phedisitsengha bohloko ka teng moo lapeng. Ha a hlalosetsa mapolesa taba tsena, asekisa meokgo. A ba bolella hore ha a kgolwe hore Toko ke ntatae ho ya kamoo a neng a mo tshwere hampe ka teng. Mapolesa a makalla taba tsejwalo, a ba a re ona a ke ke a hlola a kena tabeng e jwalo. Toko a buisane lemora wa hae ho tlisa kgotso pakeng tsa bona. Ba mo siya ba tsamaya.
Ke ile ka itshehela hamonate, ka aka moratuwa wa ka, a ikela. Ka sala le dikomang tsa motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo, eo e neng e le yenafeela eo re neng re ntshana se inong le yena. O ne a sebetsa motseng ohaufi haholo le oo ke neng ke sebetsa ho ona. E ne e le yena feela ya moo, ya neng a tloha le nna mona hae. Re ne re utlwana re eletsana.
"Tsholo ke a tseba sena seo ke tla se bua ha se na ho o thabisa ho hang. Empa ha taba di se di le mothating ona , o tlamehile ho e tseba. Karabeloke ngwana Lereko." Kgele ya ka Tsholo ha a utlwe hantle. A sulafallwa kebophelo ka nako le motsotso.
Karabelo ke mophetwa ya butswitseng, ya nang le kelello e bulehileng empa a le monyenyane. Ke mophetwa ya neng a kgona ho bopa kgotso moo e neng e senyehile teng. O ne a le monyenyane ka dilemo empa o ne a se a tseba hore o batla ho ba eng bophelong le ho re sepheo ke sefe sa ho kgetha seo.
Qotsa polelo e nang le mokgabiso puo ona: phetheletso temeng e ka hodimo.
Phokojwe ho phela e diretsenyana - Motho ho phomella ya bohlale.
"Ha a behwe ngwana eo wa setjhaba." Ho hoa letshwele ka sekgahla leka sefutho se seholo. "Ha a behwe hle, ngwana eo wa bo rona!"
Secunda, ya feta Standerton, ya tswa ka hara Mpumalanga. Ka koloing hothotswe, ho mametswe difela tse haulang. Ya kena ka hara Foreistata, yafeta Vrede, ba emisa ha e fihla Memel, ba reka dinomaphodi. Ya fetaWarden, ya feta Harrismith, ya kena Qwaqwa, thaba-di-mahlwa. Tsatsi ke le mahlonoko, motseng wa Naledi. Ha ho bonahale mothotseleng, dikgomo di bothile, dinonyana di ipatile dirobeng tsa tsona, banaba ka matlung, maru a matsho a kwahetse.
Bolela hore Thulare ha a bona Kabelo o tshwanela ho mmitsa mang.
Tjheseho ya hae ya ho tataisa thaka e ntjha bophelong ya mo qobella ho ntshetsa thuto ya batjha pele, a ikakgela ka setotswana mminong wa kereke. Ho feta moo a ruta bana ba bashanyana ho bapala Brass Band.
Makgalaneng. Ntatae e ne e le e mong wa baetapele moo polasing. Hoba a hlokahale Kepa o ile a tshwanelwa ke ho batla mosebetsi hore a hlokomele lelapa la habo. Ka bomadimabe moo polasing mosebetsi o ne o sa fumaneha. Ka hona a tshwanela ho o batla mapolasing a haufi. O ile a fumana mosebetsi wa ho fepa le ho hlwekisa dikolobe ho e nngwe ya dipolasi. Mosebetsi wa teng o ne o sa mo kgotsofatse le monga dikolobe a sa ananele mosebetsi wa hae. Qetellong Kepa o ile a nyahlatsa mosebetsi oo mme a tshwanela ho batla o mong.
Ka lebaka la ho fihla ka mphiphi, le hore koloi ya bona e nnile ya ejamethinya, o ne a sa bone hantle hore na mona moo a leng teng ke hokae.O bile a emaema ho se hokae hore kelello le mahlo di boele di tileele sebaka seo. Ha a ntse a emaeme moo, ke ha ho fihla ho yena monna emong ya neng a shebahala a sa le motjha dilemong. Eo o ne a bonahala ekale yena o sa tswa theoha hona koloing eo. "Hela, e moholo," ho realamonna eo ho Kolobe. "Ekaba o lebisa kae, re tswe re tsamaisana tsela?
"O a di bona dikerekenyana tse tsa lona, ke di nyatsetsa tsona tsena. Ke tsona tse etsang hore re tellwe, re nyenyefatswe, ekasita le ho nyediswa ke dirathana tsena. Ke lona lebaka le etsang hore o se mpone le ka mohla o le mong ke le moo kerekeng." A jajabetse jwalo ka bohale, Toko.
Moruti a bitswa ho tla rapella Mmatoko, mme ka mora metsotswana, a kgaoha. Toko a tlallwa ke naha, a sa tsebe seo a ka se etsang. Kerekeng a sokola hoba o ne a sa e tsamaye, ekasita le ditshebeletso tsa yona. Mora wa hae, Polao, a tla mme Mmatoko a patwa.
3.1 Tlatsa dikgeo tse tlohetsweng ka mantswe a tswang seratswaneng.
##ditshupiso tse itseng.
Ho tsanyaola - Ho bina.
Mookotaba le phethelo.
Ha o nahana feela Tseko le Mojalefa ba kile ba kopana Hlalosa karabo ya hao?
Ka utlwela ka monna wa morui mane Meqheleng, ya neng a se na bana. Ka utlwela hore mohatsae o mo kgathatsa nyene le bosiu ho batla ngwanale ha e se e le dikgutsaneng feela. Ha ngwana wa ka wa matsibolo a lekgwedi di tharo, ka leba moo Meqheleng, mme ka mora dipotso ledikarabo tse thata, esitana le tsona dikano tse boima, ka fana ka ngwana waka ho lelapa la Mataboha, ka tshepiso ya hore taba ena e tla ba pinyanepakeng tsa ka, lelapa leo, le basebeletsi ba setjhaba mmoho le molao wanaha.
Moruti Mothobi ke yena ya neng a pata boMmamojalefa.
O dutse hae beke, a leka ho batla mosebetsi o molemonyana difemeng.
Tsatsi le leng e ne e le Labohlano ha tadi e antsha. Tsholo a dutse a lennotsi lapeng la hae. O dutse ka phaposing ya ho phomola, o fokotsamosebetsi wa hae wa sekolo. Mohatsae o ne a le mosebetsing, ha morayena a ne a le sekolong. O ne a sa theohela tsatsing leo hobane ho ne ho sauwa sekolong. Bana ba sekolo ba ne ba etile ka leeto la thuto, ba etetsekwana lewatle, Thekong. Ka mora nakwana Tsholo a ntse a tsepamisitsemahlo a hae dipampitshaneng tsa mosebetsi, a utlwa modumo ho hlahahekeng. A tadima ka ntle hekeng ka fenstere ho bona hore heke e lliswa keeng. Yaba o bona monna ya tsamaisang poso a akgela lengolo kalebokosong la hae la poso le hoketsweng tshepeng ya heke. Tsholo a ema, aya ka ntle ho ya lata lengolo, a ntsha lengolo. A boela ka tlong.
Qoqa ha kgutshwanyane ka mabaka a entseng hore Kepa a ngale mosebetsi wa mmisisi. Totobatsa le ho hlakisa dintho tseo ba neng ba mo lefa ka tsona.
"Semomotela! Pabala! Twadi e padileng!" Ke Tebello, o a bososela."Ntate e be bokgeleke boo o bo nka kae" Tshepiso o botsa, a ntse abonyabonya.?
O ne a ntse a selasela dijo ka meqomong jwalo ka Mmadiepetsana watshomong ha a ne a selasela theepe ya Dimo. A re mahlo tloha! A bonabatswadi ba hae ba se ba le haufi. Thabo a tshohela hodimo mme a qela holeoto. O ne a tlamehile ho kgola phalo hobane o ne a tshaba ntataelebekebeke mme a hopotse hore ntatae o tlilo mo etsa dihaeya. A ikakgelahara mmila a leka ho kgabahanyetsa ka lehlakoreng le leng ha ho tla hlahakoloi. Ba lekile hore ba hoeletsa hore a mpe a kgutle empa ya be e se e leka morao ho nako. O ne a balehela ntate eo a tsebileng e le motho yainehelletseng jwala mme e re ha a nwele jwala bo mo tahile fu! ebe o a moteteka. Ke seo Thabo a neng a leka ho se balehela. Batho ba bokana. Mmathabo a rwala matsoho hloohong, a se kgitla.
Ha a qala a bala palekgutshwe ka palekgutshwe, ke moo a fumanang hore ka bobedi potso tsena di fuperwe ke sehlooho.
Motho e mong o kile a re ha ho pinyane ya sebele lefatsheng. Ho thwebonneteng ba taba, pinyane ke taba e tsejwang ke batho bohle. Eo kamabaka a itseng, ba tshabang ho bua ka yona leha ba ntse ba tseba hore haho motho ya sa e tsebeng. Ha ho ya ratang ha ho ka thwe e hlahile ka yena.
Karabelo o na le dilemo tse robong. Tsholo Mphutlane ke monna ya mo hodisitseng. Yena ke mosuwehlooho sekolong se phahameng, motseng wa Mahwelereng. Mmae ke Mpontsheng moradi wa Batshweneng ya hlahang motseng wa Mehloding. Yena o sebetsa sepetlele, ke mooki hona motseng oo wa Mahwelereng. Karabelo ke ngwana ya hodisitsweng hantle, ka lerato le boikokobetso. O ne a kena sekolo sekolong se tlase sa Mahwelereng se ka toropong. O ne a se a bala sehlopha sa bohlano, mme o ne a rutwa boholo ke mesuwe le mesuwetsana ya makgowa.
E sa le eng he! Mohau a koula. Ke eo a tswa a kokoroha, a saretswe ha mmuelli. A ipoella hae ha ntatae a hlomohile. Mebileng moo a tsamayang teng o ne a setotswa, a jewa ditsheho ke yona thakana e mona ya mehla.
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!"
Mongodi ya hlahisang semelo sa baphetwa ba hae ka bonono, ke ya sa ba hlalosetseng babadi ka boyena. O ba dumella ho iphumanela sona ho ya ka moo a hlahisitseng ditaba tsa pale ka teng.
Nako e se e le telele jwale a dutse dimmaeneng, a sa tjhakele hae. Olekile ho ba ngolla hae, empa ha ba arabe. Hodimo komponeng pina e ntsee phahama. Banna ba Basotho ba bile ba a didietsa. Pina e le, 'Terene nkuke ke ye hae'. Ha a sheba letsohong a fumana hore o se a akgetsemajwe kaofela. A ema a ikotlolla. A nyolosa lengope. Ha a hlahela kahodimo a bitswa ke leruhadi la mosi. A matha ho ya thusa ho tima. Ha afihla a fumana hore ha ba time, ba a tjhesa, ha ho ya buisang e mong, moqoqo ke pina.
"Ngwanaka o na le ngwana le Tebello, e leng nta tao?
Fana ka moelelo wa mantswe ana, "Ke mora wa ka."
Yaba o re, "Moratuwa o a tseba ho re ke a o rata. Bophelong ba ka haho motho ya ileng a nketsetsa ntho tseo o nketseditseng tsona. Ke bolelahore ke tjena ke tjena ka wena. Ha ke rate ha o sulafallwa ke bophelo, mme le nna ha ke rate ho bona ke sulafallwa ke bophelo. Lerato leo odulang o mpontsha lona ka mehla le matsatsi, ke sitwa ho le lekanya. Ka hoo ha ke rate ha lerato leo le ka fediswa ke eng kapa eng. E re ke o bolellennete ka Lereko Mantsha." A hula moya hanyane "Lereko ke mohlankanaeo ke neng ke ratana le yena pele nna le wena re ka ratana. Le nakong eoke neng ke qala ho utlwana le wena, ke ne ke ntse ke utlwana le yena."
Lentswe la Mosotho le re ntwa ha e lwanwe ka dikgoka feela. Ha ho nnete e fetang eo empa pele ke ne ke sa kgolwe hore ho na le leqai le ka emang haufi le nna. Mantswe ana a ile a fihla kelellong ya ka ka sekgahla mohlang oo Kganyapa a qwaketsanang le Takadimane. Motseng wa heso ho ne ho se motho ya ratang ho buisana le Kganyapa. O ne a le mobe, a le lonya esitana le nna ke ntse ke le motswalle wa hae tjena, ka nako tse ding o ne a etsa hore ke hatsele ka mpeng. Motho o ne a le kgopo eo hle. Ha alwana le motho, o ne a sa kgotsofale pele a bona ho phalla madi. O ne atshwara monna hore a bokolle jwalo ka lesea. Ke ile ka makatswa keTakadimane ha a etsa eka ha a tsebe setumo sa Kganyapa. Motho wa teng o ne a bua a phuthile matsoho, a bua eka o eletsa lesea le kgasang. Mokgwa oo wa ho bua wa halefisa Kganyapa haholo hobane mahlong a batho, o ne o nyenyefatsa maemo a hae. Ke mo bone a senyeha ka mahlong, mahlo aba mafubedu, a re tlere! Setebele se ileng sa tswa ho yena e ne e lemonyollane o tshajwang lesakeng la ditebele. O ne o tswa ka panyo yaleihlo jwalo ka ha noha e kobola. Ke ile ka makala haholo ho bonaKganyapa a se a le fatshe. Se etsahetseng ke tla hloleha ho se hlalosahobane bonneteng ha ke a bona letho le ha ke ne ke tonne mahlo. Ho enale hore Takadimane a fenethe Kganyapa ha a ntse a le fatshe moo awetseng teng, o ile a boela a phutha matsoho a hae jwalo ka pele. Kganyapaa totelwa ke bohale, a tsoha fatshe jwalo ka noha eo a reheletsweng kayona, ha e falla. O ile a lahlela mekoba e mengata empa Takadimane atjhetjha ha se be le setebele se seng se mo fumanang. Nakong eo Kganyapaa phahamisang hlooho, a rata ho tsepamisa maoto a hae, Takadimane a moatamela, motho wa rona a boela a polana fatshe. Ha ke tsebe hore batho babangata hakaalo ba bokane neng moo empa ke utlwile letshwele le se le motshela ka ditlatse. Bophelo ba ka bohle, ha ke hopole ke bona Kganyapa atshohile empa kajeno ke ile ka tshwaya hore se qetang ho etsahala ho yena, se ne se mo tshosa haholo. Kajeno o ne a kopane le pela di falla. Takadimane o ile a mo siya moo, mahlo a pelekane ke letswalo, a tsamayaa ntse a letsa molodi. Hoja ke ne ke se moo, ke ne ke sa tlo kgolwa tsamohlang oo ha di bolelwa ke batho ba bang.
"O reng Ha ke ntatao" Ho halefa Toko?
Abiele le lelapa la hae ba ne ba etela kae?
Mongodi o ye a hlahise ditaba ho ya ka lefatshe leo a phelang ho lona. O ngola ka diketso tsa batho, ka tse etsahalang ho bona le ka maemo ao ba iphumanang ba le ho ona.
Lebaka e ne e le hore mofumahadi wa hae a tle a mo fe dikarabo tsa dipotso tseo a nang le tsona. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele. Kgotso e neng e rena ho yena le lapeng la hae ka kakaretso e a dukeha jwale.
Tjhelete ha se karabo ya dintho tsohle bophelong. Mamohale o na le tjhelete empa ke enwa o hlorile, o bolawa ke bodutu. Qoqa ka sena o ntse o tiisa ka ditaba tsa palekgutshwe ena: E thala e boela mosehlong.
Monna Tebello, wa makala jwalo ka ha eka o bona sepoko tjee!
"Thola wena." Ke e mong wa bona, a phubula Kolobe molomo. "Ke abona hore wena o hlile o ya manganganyana ho feta enwa motswalle wahao eo le ntseng le etsa ditlolo tsa molao le yena mona. Ha re yeng."
"Ngwanaka, ke nna ya molato. Ke ne ke mo tshwere hampe ho tloha bonyenyaneng ba hae. Ke ne ke nahana hore ke mo tiisa pelo, athe ke ipetlela sera. Empa ke kopa tshwarelo ho Mmopi. Hoja ka mpa ka mo tshwarela! Ke kopa hore le mpitsetse yena hore ke tle ke tsebe ho lokolloha ditlamong tsena tseo ke leng ho tsona." A bua ka pelo e bohloko."Ho lokile, re tla ya mmatla moo a leng teng." Ha realo moruti. Moruti a mo lata moo a neng a sebetsa teng. Ha a fihla feela, monnamoholo Toko a qeta ho bona sefahleho sa hae, a nkana fatshe kasanketse, yaba o wetse ruri.
10.2 Phalo e eme le lesemela.
Tseleng e lebang lapeng, Tsholo o qhoba koloi ka maikutlo aferekaneng. O feta matshwao a mmileng a ho ema eka ha ho matshwao ajwalo. Koloi ya Tsholo ha e atamela haufi le borokgo bo tshelelang kamotseng, ya qala ho lahlehelwa ke taolo. Tsholo a ferekana le ho feta ha a bona hore koloi ya hae e lebile ka thoko ho borokgo, selomong. A leka hoe laola, empa ha se be le thuso hobane e ne e se e hlwedisitse ka nkoselomong. Koloi ya Tsholo ya tsubella ka selomong yaba ya fihla yaswahlamana fatshe, selomong.
"Ntate, ke kopa ka mehla hore o tlohele ho otla ngwana jwalo ka ha eka ootla tonki e sa utlweng letho, etswe le yona tonki eo e a utlwa! Ke eng ha o letje O nahana hore ngwana o tla utlwa ha o hlola o mo shapile hakana?
4.8 Ho nya matsete.
Mosuwehlooho wa Polao e ne e le mang?
Takadimane ka sebele, ka mo hlalosetsa ka moo ke ratang ho ithuta karate ka teng. O ile a mpolella hore ke fihle letsatsi le latelang ka hora ya bohlano ha ba bang ba tshwanang le nna ba le teng.
2.2 Tlalo la motho ha le thakgiswe B. Ho utlwa bohloko haholo.
##nkele bomabalane ho hong ho tla ba thabisa. O ile a fela a etsa jwalo. O ile a utswa dikgoho tse pedi polasing moo, a di nkela bomabalane. Ka hona o ile a fuwa joyene ya dilemo tse tharo. Ha a se a le dimmaeneng o hlorela habo. A ba ngolla, ba se arabe.
Menahanong le mehopolong ya nkgono Mmathulare, ho se ho hlaha ha a ne a le mane Gauteng, mme pelo e utlwa bohloko le hore dilemo tse ngata tsa botjha ba hae o di qetile teng moo. Jwale batho bana ba teng ba tseba le ho bua dikgotjheletsaneng hore majoro enwa ya hlomamiswang ke mang. Ba bang ba ema matlotlosia ba seba le ho bua ka sephiri sena sa hore setloholo sena sa nkgono ha se mora wa Mataboha ho hang! Ntatae ha ba mo tsebe. Ba bang ba hlaha ka ho re le moradi eo ho thweng ke wa Mataboha, mmaya majoro enwa, ha se moradi wa moo, mmae o ne a sebetsa makgoweng kwana. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele.
Ke ngwana madi a ka, le ratang kapa le sa rateng, le reng Arabang?
"Re le baetapele, re a lokela ho ema ka maoto, ho kopanya ditjhaba tsalefatshe." Ke majoro eo, ha a tswela pele. "Setjhaba se seng le se seng selokela ho kenya letsoho morerong ona wa bohlokwa. Phokojwe ya tshallamorao e bonwa ke dintja. A re ikekeng ho etsa phetoho e isang botleng, lefatsheng leo re le filweng ke Modimo wa rona."
Tseba hore Karabelo ke madi a ka. Ke ngwana madi a ka.
Tseleng e yang lapeng ke ne ke hloname, ke ile ka hopola horeTakadimane o ntse a ntshwetsa hobane a tseba hore ke motswalle wa Kganyapa. Hobane letsatsi le hlahlamang e ne e le Moqebelo, ka phallelaho Sylvester ho mo hlalosetsa ditletlebo tseo ke nang le tsona. O ile ammamela ka e lethwethwe mme yare ha ke qeta a re, "O etsa phoso ha onahana hore Takadimane ha a o rate. Kaofela ha rona re qadile jwalo kawena. Ntho ya bohlokwa eo o tshwanelang ho e hopola ke hore mofufutsophatleng ha o bolele hore o etsa tsona, sa bohlokwa ke hore o etse tsohletseo o di laelwang, ka hloko le ka nepo. Ha o ne o hopola seo, karate e keke ya o tena."
6.4 Ho phekgoha.
Bolela hore Dikalaneng ke moo ho neng ho dula mang.
Naha e bodutung. Hohle ho buuwa ka terene e sehlooho, e nkilengsetjhaba. Batho ba kgenne, ba a ipotsa hore mokganni eo o ne a tatetse kae. Bohle ba a komakoma. Letlalo la motho ha le thakgiswe fatshe.
"Ke ngwetsi ya mohlolo." Ho ile hwa kgotsa Mmamoleko. "Ha se dingwetsi tse ngata tse hopolang bomatsala tsona ha di le ha bo tsona. Ruri, o lehlohonolo haholo, Mmatseko."
"Le nna nkile ka phela Qwaqwa kgale." Ke Tebello eo, o hadikisamahlo.
Ka mora kgwedi tse tharo feela boMoferefere ba ile, ralebenkele e mong wa hona moo Mautse a hlokahala.
Hona a ka baleha jwang ha ba direng ba mo seohela ba batla madi a hae?
Moruti o kgothatsa ka ho re bohle re leetong mme re emetse terene ka dinako tsohle, terene e re isang lehodimong. Qaka kapa bona bothata bo rarolohile, terene ke lefu le re emetseng ka dinako tsohle.
Eitse ha Takadimane a re, "Gedan Barai kumite!", bohle ra fetoha jwaloka ha re lebeletswe. "Kiai!"
"Ebe a ka reng e motshomotsho elwa," ke Mmaletsatsi eo. "Ha a kautlwa hore setloholo ke majoro?
Kepa a se ke a hlola a itshwenya ka ho mamela ha ho ntse ho rohakwaeo. A bona hore nako ya hae kgale e fetile. A phuthaphutha pasa ya hae, ahlakola seretse se e silafaditseng ha e betsetswa ka fensetere, a ikela. Babang ba mo eletsa ka ho re ha e le mona a sa fumane mosebetsi o lefang, anke joyene ya dilemonyana. E tla mo thusa haholo. Ho tsena diofisi a se kea hlopheha haholo. O ne a se a eleditswe hore a fe mabalane ho itseng hotla mo thabisa, dintho tsa hae di tla tsamaya kapelenyana. A utswa dikgohotsa hona polasing ya habo. A tla a di jere ka mokotla, a o phuntsemasobana, a hlahisitse dihlooho tsa tsona. Mabalane a thaba haholo.
5.1 Kepa o hlahetse 5.6 Komponeng kwana A Makgaoleng. Kepa................. B Makgwaoleng. A Hopotse moratuwa wa hae. C Makgalaneng. B Qetwa ke mosebetsi o D Makgaolwaneng mongata.
Mamohale a re ke, "Ke hloka lerato le motho eo nka mo fang lerato laka." "Lelapa la hao le kae" Ho botsa Mmatefo."Monna wa ka esale a nyamela." Ho araba Mamohale?
1.4 Hobaneng ha mophetwa enwa a re o ne a rata ntata Thulare haholo, ke mang eo a neng a sa mo rate?
Kolobe ke mophetwa ya neng a sebetsa merafong ya ha Ramonate. O ne a sebeletsa lapa la hae ka botshepehi le ka lerato. Mora wa hae e ne e le Phakiso ya neng a hirile Qwading, a kena sekolo teng. Kolobe o ne a ya hae lapeng empa a phirimellwa tseleng, mme a rera ho fapohela ha mora wa hae. O ile a tsamaya le monna e mong ya neng a le leleme le monate tjena athe ke senokwane se neng se tshwana le mora wa hae. Dinokwane tsena di ne di lalla batho di ba kgothotsa. Kolobe o kile a iphumana a wetse sefing sa bona, mme a lwana ya kgumamela a ba a bolaya senokwane se le seng, athe ke mora wa hae. Ketsahalo ena e ne e fetole semelo sa hae, mme a iphumana a tsotella ho thusa ka ho eletsa batjha le ho ba bopa dikelello ka tsela ya motheo wa sekeresete. Tabataba ke hore ngwana e mong le e mong ke wa setjhaba, mme re tshwanela ho kenya letsoho kgodisong ya ngwana e mong le e mong le ha e se wa hao wa madi.
Ha ke kena, ke ile ka rola dieta tsa ka jwalo ka ba bang mme ka fetela motsheo kwana moo ke tla boha tsohle ntle le ho ba sitisa ho etsa ka moo ba ratang ka teng. Bohle ba ne ba tlamile matheka ka mabanta a mebala e fapaneng. Takadimane o ne a eme ka pele ho bona mme ba bang ba shebile yena. Ha a bua, bohle ba ne ba etsa seo a se bolelang ntle ho tshenyo ya nako. Ho ne ho totobetse hore mona ha ho pohopedi, seeta ho ne ho lla sa hae feela. Puo eo a neng a e bua, ke ne ke sa e hlalohanye ho hang. Ho mmakaditseng le ho feta ke ho bona ho tswakane banna, basadi, bashanyana le banana. Bohle ba ne ba etsa se batlwang ke Takadimane, ba tsamaya ka makgethe jwalo ka masole ha a hlola a etsa. Ke ne ke sa utlwisise hobaneng ba hlola ba etsa tjena empa ke moo ke ratang ho tseba sephiri sa mohlolo ona.
O se o nkentse hampe ho lekane ntate. O phethisitse thato ya hao ka nna. O hanne dikeletso tsa mme, wa ba wa mo roba dikgopo ka baka la tsona. Nna nke ke ka o tshwarela, tshwarelo o tla e fumana lehodimong.
O ne a ikgopoletse Manana qha! O sa tla tantsha, o sa tla tjeka. O tlabidika, a thwene, a tsamaye a fetoha robirobeha pela moratuwa wa haemona. Ho tla shejwa bona ba babedi feela ka hara holohadi eno ya Mautse. Motjeko o tla latela ona wa kajeno e tla ba wa lenyalo la hae le Manana, yamo neha jwalo mehopolo ya hae. Moo a dutseng teng Manana o be akganya jwalo ka lehakwe. Eka serurubele ngwanana wa Motawana. Mose a apere o mokgutshwanyane o mo tsalang disanthao hamonate, o mebala yamookodi. E le velevete e kang ya baradi ba marena a Engelane. Ditsebengho phatsima, ho leketla masale a bofubedu bo botala bo dumellanang lelebanta la mose le dieta tsa topo tsa hae. Moriri a o shobile a o entsemotloutlwana hantle jwalo ka dikgarebe tsa Matebele, a ntano o kgabisa kamalente a mafubedu a dumellanang le melongwana e tshasitsweng kaletshwana le lefubedu la Sekgowa. Ha a tsheha ho bapala dikotjanamarameng a hae a masehlana. Ka hodima tsena tsohle a akgetse setipana sesesweu sa velevete mahetleng, a bile a rwetse dikausu tse tshweu tsamatsoho. Batho ba nna ba kgwathana, ba sebaseba ba supa mane mooManana le Mohau ba dutseng teng. A le monyakeng Mohau, a emetsefeela ho re diphala di tsanyaole a tsebe ho kena sebayeng le kgarebe ya hae.
Joyene ya Kepa ke 5.10 Kepa o utswitse ya................ ho lefa bomabalane. A Matsatsi a mararo. A Radiokhasete tse pedi. B Beke tse tharo. B Mekoko e mmedi. C Lemo tse tharo. C Mokoko le sethole. D Kgwedi tse tharo. D Kgoho tse pedi.
13.2 Kgaitsedi tsa Kepa di ne di se na bana.
Ha e se e le yena a beha pasanyana ya hae ka boikokobetso fensetereng eo di kenywang ho yona. Hodimonyana pela hlooho ya hae ho butswe lesoba le ka lekanang leeba ho kena. Ya buang o hlahisa molomo teng hore ho utlwahale. Tlelereke ya e nka, ya e bula.
Bolela hore Mojalefa ha a bona Tseko o tshwanela ho mmitsa mang.
Dintlha tse latelang di lobokantswe a ke o di behe ka tlhahlamano e nepahetseng.
E be ho lebuwa kae ke moeka Ditaba tsa lengolo di mo lebisa sepetlelemosebetsing wa Mmakarabelo. O batla ho utlwa taba ena hantle ho tswaho monga yona, ho ya ka lengolo. Ha a fihla sepetlele a fetela phaposing ya kamohelo ya baeti. A tsebisatlelereke hore o kopa ho bona mofumahadi wa hae, mooki Mphutlane. Nakong eo Tsholo a ntseng a bua o ne a ntse a tilatila ka maoto fatshe. Mahlo a hae a sa tsepame nqa e le nngwe. A tadima kwana le kwana?
"Terene e a emelwa Tseko." Ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho ya lata mohatsae le lesea la hae seteisheneng. Mohatsae o tswa ha habo kwana Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng. Ke kgwedi ngwana jwale a hlahile, jwale Mmamojalefa le Mojalefa ba kgutlela lapeng.
Ho keketeha - Ho tsheha hamonate.
Pelo ya hae ya kgutlela dipolasing hape. A hopola ha a sebetsa ka thata afepa difariki tsa ditonanahadi eka di ja batho, di nonne, di taboha. A hopola ha a ne a di hlatswa, a di fepa, a hlatswa hoko ya tsona, a di alla jwang bomabotjhobotjho hore di kgatholohe hamonate. Ntho e tenang ke hore o nea di hlatswa nako e kgolo le e nnyane, a swaba ha a fumana di mamelletsemonate wa borosolo ha bo feta moo nta e lommeng teng. Ntho e utlwisangbohloko ke hore ha a qeta ho hlatswa e nngwe, a qala e nngwe, yane e se ele seretseng.
Ha a fihla a itshohlometsa ka tlong ntle le ho kokota le hona ho dumedisahona ho pala. A fumana Mmakarabelo a dutse le mme wa hae mmoho leKarabelo. Ha a bona mosadimoholo Mmampontsheng a suma kasefahlehong, yaba o re "Ke hobaneng mme Mmampontsheng ha o lelemenemene le moriri o moputswa, le kgothalletsang ngwana lona manyala, ntho e mpe, ntho ya ho tshwelwa ka mathe" Nakong eo a ntseng a bua tsenaho ne ho bonahala hantle hore ke tsotsi hara ditsotsi, sekebekwa sa kgale?
Diketso Peter Thulo o hlahile ka la 28 Phato lemong sa 1947. O hlahetseThaba Nchu a ba a holela teng. Diketso o kene sekolo Goronyane toropong ya Thaba Nchu, mme a fetelasekolong se phahameng sa Bantu ho la Bloemfontein. O ile a ntshetsadithuto tsa hae pele yunivesithing ya Aforika Borwa. Mongodi o sebeditse mesebetsi e mmalwa ho kenyeletswa le wa ho bamofetoledi diofising tsa kereke ya N.G.K. motseng wa Mangaung.O kile a sebetsa e le mofetoledi le moqolotsi wa ditaba wa Bona. Diketso Thulo o sebetsa a ruta puo ya Sesotho yunivesithing yaForeisetata lefapheng la dipuo tsa Maaforika. Mongodi Diketso ke sethose tletseng sa mokgatlo wa Lesiba. O ngotse dibuka tsena tse latelang, Tshotleho ke mosuwe e moholo, le Methaka.
"Jwale!" Ke Moeletsi, a bua a otlella tshepe.
"Bona hona jwale o lofile ka lebaka la ngwananyana eo." Ho realoTsietsi.
KepaA Ranta tse leshome. 5.8 Kepa o utswitse..................B Sente tse leshome. A Radiokhasete.C Kete tse leshome. B Radikhasete tse pedi.D Ponto tse leshome. C Radio le khasete tse pedi.
Moruti o bua nnete. Ho dumela Mmatseko pelong ya hae, mane moo a dutseng teng lehlakoreng la lebitla. O hopola letsatsi leo hantle. Ke Laboraro la beke e fetseng. O le bona hantle letsatsi leo...
Totobatsa ka dintlha tse tharo semelo sa Karabelo.
"Ke mathata a lefatshe lena, weso."
Ho monate jwang ha lelapa le le mofuthu! Ruri ho monate ho etelalapeng le jwalo moo teng o tla amohelwa ka atla tse pedi ke beng ba motse. Feela le wena moeti o se ke wa be o se o tjhaka nako e telele ho fetatekanyo ebile o sa kenye le letsoho pokothong ho thusa moo e bang ho ahlokeha moo. Owee! Ke re lelapa la Abiele, lelapa le mofuthu! O a tseba ha o fihla lelapeng le se nang mofuthu wa kamohelo, motho o a ipotsa hore na o ne o ntse o kgokelang batho ka ho ba tjhakela.
"Polao ngwanaka, a ke o nteballe hle! Nke ke ka pheta le ka mohla."
Mojalefa o ne a le kgwedi feela a hlahile.
Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke nale setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena kene ke se ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevishenengmona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile, mme ho hlakile hore o phetse ha monate haholo.
"Vum vumm!" Ya duma Mazda 323. Ya ya.
O bone dikepe tse kgolohadi. O ile a iswa serapeng sa dinoha ke batswadiba hae. Mmele wa hae o ile wa sisimoha ha a bona dihahabi tseo moo di phelang teng, a sa utlwe ho buuwa ka tsona. O ile a thaba haholo ha afumana monyetla wa ho palama kariki ya Ritjha le batswadi ba hae. Ntho eileng ya mo makatsa ha a qala ho e bona, ke lewatle. O ne a bona boputswafeela boo a sa tsebeng hantle hore na bo fella kae.
Dintlha tse sebediswang ke ditsebi tse ngata ho manolla palekgutshwe di akaretsa: Sebopeho (tlhekelo, kgolo, tharahano, sehlohlolo le phethelo); Semelo sa baphetwa; Tlhahlamano ya ditaba hammoho le Puo le Setaele.
Baahisani ba seng ba utlwetse le hona ho e bona ka mahlo kotsi ena, baphallela ha Tsholo ho ya tshedisa Mmakarabelo le hona ho mo thobamaikutlo. Mmakarabelo yena ka oo motsotso o ntse a se hlabela hloohongha a nahana ka Tsholo, le hore Karabelo o tlilo reng ha a kgutla sekolong.
Mohlomong ha e ne eba e sa le motsheare o ne a ka feresa le motse hobatla moo mora a neng a hirile teng. Empa jwale eo nako e ne e se e le yabeng ba yona feela. A kenelwa ke letswalo ha a hopola kamoo a yeng autlwe ho bolediswa bokweta bo jeleng setsi toropong eo, haholoholo boetswang ke bashanyana ho batho ba itlhahelang merafong jwalo ka yenatjena. Ho nna o re nakanaka le masiu ke ho ipiletsa mathata a tshabehang."Akga!" Ke yena eo ka pelong. "Ke tla ya robaletsa moo mora wa ka a lenghona teng." Yare moo a ntseng a bua ka pelo, koloi ya fihla ya rekgekgenene seemelong sa makoloi se haufi le kereke e nngwe e kgolo yamotse. Ke hona moo baeti bohle ba ileng ba theoha teng, ho ya ka makgoroho fapana. Le motho wa rona o ile a tlameha ho theoha hona moo. E re kaha e ne e se e le bosiu, le makoloi a baeti a se a hlekehile kaofela, motho ka mong o ne a se a lokela ho tasola ka maoto ho leba moo a yang.
Ke mang ya ileng a tlontlolla Kganyapa?
Ka mora kgwedi tse tharo Kepa a sebetsa jareteng ya mmisisi o ile a kgola bokae?
Athe o hohetswe ke noha e mahloko a mabe marabe, feela pelo yamoeka e leketletse ho aka melongwana e kgahlang, e bitsang, ya Manana, ho sheba ka hara dithaka tsa mahlo a Manana, a kang diba tsa kgotso, dinaledi tsa ho bonwa pele ke ba bohlale ba botjhabela. Pososelo yaManana ho Mohau yaka letsatsi ha le tjhaba hoseng nakong ya hwetla. Athe ka pelong Manana o ntse a tsheha lekgutlana lena le ileng lekgongwana hodimo. Athe Manana o folletse o entse letoto la bahlankana.O ne a ipatlela tjhelete qha! Ha e fela e be o a qhoma Manana, ngwananaya jwalo!
Mohlomphehi, ke fupere kidibitla ya taba mona. Empa ho nna ha sepharela, ke nnete eo ke thabelang hore o e tsebe. Ho wena ke a tseba horee tla ba kgoba.
O sebeditse hamonate dikgwedi tse tharo, le dijo a di fuwa, a kgora.
A ko bolele lebitso la mophetwa enwa ho buuwang ka yena temeng ena e ka hodimo.
Ho lomana - Ho lwantshana.
Ha ba fihla sepetlele, dingaka tsa re o robehile dikgopo. Tsa halefelaToko haholo, tsa ba tsa hlalosetsa Mmatoko hore o lokela ho mo tshwarisa hoba ntho ya mofuta oo ha e a tshwanela ho etsahala. Yena a kopa dingakahore o tla hloleha ho phethisa seo hobane e le yena feela ya sebetsang moolapeng la bona.
"Re baeti lefatsheng." Ho realo moruti Mothobi molaetseng wa hae wamatshediso. "Kaofela re emetse terene. Re kgwebethwa ke matswalo. Retshohile hore terene e ka nna ya fihla re ntse re robetse, yaba e a re siya. Babang ba eme, ba a sebetsa hore ba tle ba se ke ba robala, mme ba sala. Babokella le mefao, hobane ha ba tsebe hore terene e tla fihla neng, le horeleeto le tla nka nako e kae. Ba bang ba itebetse, ba phelela dipelaelo, ha babang bona ba robetse ba kgakgathisa mahanana, ba lebetse ho hang katerene."
Thabiso Mofokeng o qadile ho ngola dipale ka Phato 2004, ka pale ebitswang, Phaphama o kganye, e sa kang ya phatlalatswa. Ka mora hore a rupellwe ka dibetsa tse matla tsa puo le bongodi baSesotho ke Dr. K.P.D Maphalla ka Tshitwe 2007 o ile a ngola pale ebitswang, Leru le pelong, eo le yona e sa kang ya phatlalatswa. KaPherekgong 2008 a ngola pale e bitswang, Kgabane ha di rwesanemekadi, eo le yona e sa patlalatswang. Ka hlakola 2008 a boela a ngolapalekgutshwe e bitswang E thala e boela Mosehlelong eo e kenyeleditswengpokeletsong ya dipalekgutswe tse phatlaladitsweng ke MML.
Ho boha ha ngwale e kgiba - Ho bona ha ho etsahala.
"Ao, Mme," ho realo Thulare a se a imakaditse haholo. "ke hore le ha mohatsaka a ne a thamotse molala tje, a hlile a binela wena, ha o ammona" A keketeha?
La fihla letsatsi la bakgethwa la ho tswa ka makgalo a Mautse. Ba thontsweng ho ya ntweng ba kgobokanetswe ke ba habo bona. Ba bang ba utlwile monate, ba re jwale ba sa tla ke ba bone lefatshe. Ho ba bang e le masisapelo a nyarosang. Dikgarebe tse seng di beheleditswe tsona di baka mehau le ho feta. Bana ba batho ba ingwaparelaka ka bahlankana ba bona, meokgo e phalla seka dinoka tsa hlabula naheng ya Foreistata. Mamina e ka a bana marameng. Banna ba bona ba kamoso ke bana jwale ba ilo jewa ke manong. Bonatla ba bona bo ba isa ha mosima-ha-o-tlale! "Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi!" ho rialo Mohau. Hara bao ba ilo lebanya thebe le dira re fumana Moferefere, seqhobanehadi sane sa Manana. O ne a futahantse sefahleho, a qwabika jwalo ka pere ya lebelete e hanang ho thapa. O ne a thontswe ho ya dikanonong. Manana a kgeleletse meokgo, a hlekemane moradi wa Radiphaphatha, a kopile Moferefere ka letheka moo seteisheneng. A ikana, a ikgaola molala hore Moferefere o tla be a kgutle ntweng yena Manana e ntse e le kgarebe. O tla mo emela, ebile o tla hana banna ba bang bohle ho fihlela mohale wa hae a oroha a rwetse ditlokola tsa tlholo, a tlilo mo nyala. Feela ka ditsebeng tsa Moferefere ho ne ho se ntse ho duma dikanono, dikulo di letsa melodi, diqhomane di kititsa le ha a ntse a itshehitshehisa jwalo.
Refilwe o ile a hola jwalo, a ba a ba le bana ba bararo a ntse a le lapeng, ka banna ba fapaneng. Le bophelo ba bana bao ba hae ke ile ka bo latela. Hara bona ke ile ka kgahlwa ke e moholo, Kabelo. Yena ke yena enwa eore mmehang kajeno. Ke ngwana wa Refilwe, empa ke motho.
Ha ke kgutlela lapeng, ke ne ke tsamaisana le Sylvester. Ho ya ka moo antsebang ka teng, o ile a hlokomela hore pelo ya ka e bohloko ka seetsahetseng.
Dilemo tsa feta ho sa utlwahale letho ka kgabane ya rona. Monnamoholo le mosadimoholo ba tshwenyeha haholo. Ka tsatsi le lengToko a lora lentswe le re ho yena, 'O kae mora wa hao, eo ke o fileng yenahore o mo dise O mmatle a kgutlele lapeng. Kotlo ya hao e tla ba boimahodima bohloko boo o bo tliseditseng lapa la hao!' Lentswe lena la nna latswela pele, la re, 'O kopile, ka o neha, mme jwale o sotlile?
"Nkgono Mmathulare, wa di raha e sa le ka matjeke tjee, ebe hosenyehile kae" Palesa a botsa. "Le hora ya bosupa e sa le sebakanyana"?
Karabelo o ile a kopa mmae le ntatae hore ba tshwarane ka matsoho, hammoho le nkgono.
10.1 Ho dikela ha letsatsi.
Se batlehang ho wena ke mamello le tiisetso.
Kgetha karabo e le nngwe e nepahetseng ho lethathama la tseo o di filweng. Ngola simbolo feela.
Mohau yena ke raditjhelete ya hafang ka nkatana.
A ke o re qaqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena mme o tiise ditaba tsa hao ka mehlala e tswang ho yona.
O ne a kena kereke, a bile a mamela dithuto tsa sekolong le tsa kerekeng. Ke ka hoo a ileng a nka qeto ya ho ba moruti ha a hola.
Moiketsi ha a llelwe - Motho ya ikenyang mathateng batho ha ba mo utlwele bohloko.
"Hei, mosadi towe, o nkutlwa hantle Ke re monna eo ho thweng keLereko Mantsha o a mo tseba na?
2.3 Ba menola tlhabela.
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Thabo a ipha dimenyane lapeng labo. O ne a ke ke a mamella ho hlola a tetekilwe jwalo ke ntatae. Pelo ya Mmathabo ya utlwa bohloko bo sa tsweng madi. A lala a batla ngwana empa a sa mo fumane. O mmatlile hohle dipetlele le dipolokelong tsa ditopo empa a sa mo fumane.
Ho hadikisa mahlo - Ho isa mahlo kwana le kwana.
Lemong tse leshome tse fetileng ke ile ka tshwarwa, mme ke lokollotswebeke e fetileng ka Labohlano. Kgwedi pele ke tshwarwa, Mpontsheng eokajeno ke utlwileng hore e se e le mofumahadi wa hao o ile a ntsebisa ho reke moimana. A ba a ntsebisa hore ngwana eo a mo immeng ke ngwanamadi a ka. Lapeng ke ile ka ba tsebisa ka taba ena, mme ba re ba tla lebellaba habo Mpontsheng ho tlisa molato. Ka ha bophelo bo itlela ka tsa bona, ke ile ka tshwarwa ka ya ntlwanatshwana ho so be le batho ba habo batlileng heso.
O ile a kgalemela ntatae hore a tlohelle nkgono hoba ho mo botsa dipotso ha ho tlo kgutlisa Tsholo Mphutlane, hape o re ha ho motho ya hlokang sekodi.
Hobaneng mophetwa eo a ne a kgothaletswa ho ntsha mpa eo?
"Ke Tebello, esale a ilo batla mosebetsi, difemeng tsa Secunda. Taba enkutlwisang bohloko o ne a tsamaye o so hlahe, e bile a sa lebella hore o kaba teng fatsheng lena." Mamohale o bua ka pelo e bohloko, bo dutlangmadi.
13.9 Kepa o ile a utswa dikoloi tse pedi tsa mmisisi.
Mehleng ena Mohau o fetohile pikoko ka moaparo. O lahlilemaharaswanyana ane a pele. Kajeno o ikina ka hara tse metsi diaparo, etsweha se disutu ho yena ke tlakana-le-a-raha. Kajeno o apara ena sutu, ho esa o ka hara e nngwe e ntjha. Dieta ke tse mebala, ha katiba e le e mahaha etshweu e lebanta le letsho e theohang Panama. O inyanyaditse ka metsi amonko o monatenate a theohang Fora. Thae le yona ke lelemehadi lelephatshwana le hlahang Itali.
"Sala hantle ke a tla mafelong a kgwedi yona ena." Tebello o bua a jeremokotla lehetleng. Ke kgwedi tse robedi jwale Tebello a sa bonahale. Mamohale a sitswa kangwana wa ngwanana e leng Tshepiso. Mamohale o butse Bebele, o e beile pela hae, o ntse a nyantsha lesea la hae. Mamohale o ntse a touta ka thata.
A sitwa ho o fumana ka lebaka la hore pasa ya hae e ne e na le ditempe tsa borapolasi. Ba ile ba mo eletsa ka hore a e lokise metseng ya mahae. O ile diofising mme a se ke a fumana thuso. Basebeletsi ba mmuso diofising ha ba bue le batho hantle ebile ba kgohlahetse.
"Dumelang hle, batswadi ba ka. Le phela jwang" Ke mosuwehloohoLesiba?
Ke qetetse ke tjhetjhela morao, Beatrice a be a le hodima ka. Seeta, setebele, setswe le lengwele o ne a di sebedisa jwalo ka motho ya hlokangmasapo. Ke ne ke ya ka santhao, ke phema dintho tse bohale, tse boima. Ka qetella ke dihetswe fatshe.
1.1 Pelo ya fofela hae. A.
##mosebetsi ha o sa le lekana.
11.5 Jwala bo ka fetola motho.
"Hoja ka mpa ka mo tshwarela!"
Lereko a tadima mora ka pelo e bohloko, a seka meokgo, a mo atamela, a mo haka ka diatla, yaba o re "Monna o ngwana madi a ka. Ke a thaba hae le mona le wena o dumela hore o ngwanaka. Ka mora lepato ke tla ratahore re tsamayeng re ye Mehloding, re duleng kaofela, ke bolela nna, wenale mme wa hao."
1.3 Ke mang ya neng a eletse mmui wa mantswe ana ka hore a bolaye lesea la hae?
Ke ne ke sebetsa dikitjheneng, Gauteng, mme ke hlile ke tshwere kameno. Ke nnete, jwalo ka batho ba bangata ba setjhaba sa heso, ke ne ke sa ruteha, empa ke ne ke sa dumelle hoo ho nkema ka pele. Ntle le mosebetsioo wa dikitjheneng, ke qetelletse ke se ke itheketse motjhini wa ho roka, mme ke rokela batho diaparo ka nako tsa kgefutso hona moo dikitjheneng.
Menahanong ya Kepa re utlwa sesosa sa tlhopheho ya hae. Yona e qadile ka mora ho re ntatae, eo e neng e le moetapele wa basebetsi moo polasing a hlokahale. Tlhopheho ena ya hae ya totiswa ke ntho tse ngata. Tsona di re lebisa kgatong e latelang.
"Motswalle o se ke wa kgahlwa ke none e hlotsa. Kgaowana le ntate eo,"Lerato o eletsa Tshepiso. Tshepiso a etsa eka o kgalehile, a thola a re tu!Lerato a tima lebone, a robala.
"Empa, o qala ho mpona, ebile o moholo ho nna, empa" Tshepiso o bua a shebile Tebello, ka hara mahlo. "Ke o rata ke tiile, o kgalala." Ke ho ho lelele ka seemo, Tebello."O na le mosadi" Ho botsa Tshepiso."Ke lesowa," Ho araba Tebello, sefahleho sa hwama hanyane."O sebetsa kae" Tshepiso a botsa hape.?
5.3 Jwala bo ka fetola maemo a bophelo ka lapeng. Dumela kapa o hanane le mohopolo ona.
Tlala e re patetse - Tlala e re keneletse, ha ho dijo ho hang.
Kajeno botsofading ba ka, ke a elellwa hore marato a bosawana a betlatsela e isang tshenyehong. Eo taba ha ke kganane ka yona. Le hore botjhabo mafolofolo, empa bo sefofu, ha ke belaele. Le ha ho le jwalo ke ne kentse ke elellwa le ka yona nako eo hore metsamao eo ya ka le Qamboza ene e ntshenyetsa nako e ngata ya mosebetsi. Ke ne ke etsa eng ka taba eoBotjha bo makoko. Lerato la masawana le a foufatsa?
Ho ikenya tshotso dinaleng - Ho ikenya mathateng.
"Mehlolo eo re e bonang Mme." Mmapalesa o atisa ho realo. "Basadi bakajeno ha ba tshabe ho lahla masea a bona dithotobolong. O tshabelefatshe." "Thulare," ke nna eo ha mora a tswa monyako le lelapa la hae,"Ke a o rata, wena le lelapa la hao." Ka tadima ngwanaka ka lerato.
1.2 Hlalosa ha kgutshwanyane hore na ho ne ho etsahetseng.
Mona ke moo mathata a fihlang tlhorong. Dintho di ka mpa tsa boela madulong kapa tsa senyehela ruri. Jwale ho kgaoha moo ho kgwehlang. Mophetwa wa sehlooho o ikutlwa a dubehile, ho lekane.
2.8 Ho iphetola setsetse.
Ho kgakgathisa mahanapa - Ho kgona.
Ka nako eo a akgela pitlahadi ya lejwe le haufi le yena, la re, phakga! Onkile joyene ka lebaka la ho leka ho fedisa tlala e patetseng hae. O lekile hofumana mosebetsi, empa a hloleha. Mosebetsi o leqeme matsatsing ana. Beng ba mosebetsi ke batlatlapi ba ikotlang sefuba. "Mamella mathata amosebetsi, kapa o mamelle mathata a tlala." Ekare ba tjho jwalo ha basasanka ba pesotse dimpa ba sotha basebetsi ditsebe, ba ba rohaka, ba babitsolla. O fumane e le dimumu nthwana tsa Modimo. Di tseba mathata a hae. Ba bang bona ba se ba sena feela eka ho rohakwa ho monate, athe kesehlabi. Ba bang ba qale ho lomana jwalo ka ntja tsa setsomi. Kepa ohopola mohla a kenang ha rapolasi e mong ya ruileng, a hlophehile, tlala emo kgaotse matla, e a kgaoletse tlase jwalo ka moroho wa sepatlapatla.
"Ho ya ka ditlhalosetso ke a dumela ho re ke ngwana hao. Ha o tshila oke ke wa hlakoha. O tla dula o le ntate wa ka. Empa nke ke ka furallalelapa la ha Mphutlane hoba ke lelapa le mphuthileng, la mpontsha leratole bophelo. Ke lelapa leo ke hotseng ke tseba e le lapa leso."
1.3 Bashemane ba rapalletseng fatshe moo molato wa bona ke ofe Hobaneng ba rapalletse moo?
Ditekginiki kapa dintlha tsa ho manolla palekgutshwe ha di a fapana haholo le tsa pale kapa tsa novele. Pale e kgutshwanyane ha e ye lololo jwalo ka pale. Tsohle tse teng paleng di teng ho palekgutshwe empa di kgutsufaditswe ho latela bolelele ba palekgutshwe.
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Kepa o dutse tlasa moriti wa sefate sa moduwane, pela noka ya metsi a phallang ka matla. Letsohong o tshwere mahakwenyana, o ntse a a betsetsa ka bonngwe metsing. O hopotse hae. Hodimo mane komponeng bashemane ba ntse ba bina "E boima joyene."
3.5 Ho boha ha ngwale e kgiba 5.
"Ngwanaka o na le ngwana le Tebello, e leng ntatao?
Haele Mohau yena o ne a le hole le koduwa ena ya bosole. Sehojana se kang yena se jereng selota jwalo ka kamele, se ka jara sethunya jwang?
13.1 Baphetwa le kamano ya bona.
"Jwale ha o shebile ke tla nka nako e kae ke ntse ke etsa sena?
Jwalo ka ha Sylvester a boletse, ke ile ka qala ho natefelwa ke ho ithutakarate. Dikgwedi tse pedi tsa fela ke se ke le mafolofolo haholo. Ka mehlake ne ke labalabela ho bona bokgoni ba ka ha ke 'lwana' le ba bang. Letsatsileo la fihla mme ka fihlelwa ke letswalo ha ke ntse ke bona baithuti ba bangba ntse ba ikotlolla. Motho o ne a takalatsa feela ha bonolo, a qetelle a dutseka dibono fatshe, a sa itshwarella ka matsoho. Ha o sheba tsohle tse etswangmona, o ne o ka tiisa hore batho bana ha ba na masapo. Motho o ne aphahamisa leoto la hae ho fihlela le phahama ho feta hlooho ya hae.
Ho ikela boyabatho - Ho hlokahala.
4.1 Boholo bo se bo le mobung o batang.
Sehlopha sa bashemane ba bang sekolong ba qala Polao, yena a ba lwantsha. O lwanne ya kgumamela mohlang oo. Ba mo lwantshang ha ba bona ka moo setebele sa hae se tjhesang ka teng, ba ile ba baleha empa ba bang ba se ba wele fatshe. Mosuwe hlooho Lesiba o ile a bitswa ke lerata la bana.
Ke eng se ileng sa balehisa Thabo habo?
Ka mmolella hore ke tla emela ngwana a hlahe, mme ke tla mo isalapeng ho mme ha a le kgwedi di tharo. Ke ne ke hlile ke rerile jwalo. Kene ke hlile ke itse ke tla ya kopa tshwarelo ho mme hae Mashaeng, empaha ho a ka hwa eba jwalo. Mosotho o re ho robala ke ho fetoha.
Maemo a neng a le teng naheng ena ka nako tseo, a ile a qobellakhampani ya habo Abiele hore e hule matsete naheng ena. Mona re bua katsona dikotloqobello. Ba bangata ba fellwa ke mesebetsl jwalo ka yenaAbiele. Jwale bophelo ba qala ho nyolosetsa. Bophelo ba fetohela batho, leshokgwa ya hla ya eba ona mohalakane. Didiba tsa omella ngo! Ke tjhotsona didiba tsa polokelo ya ditjhelete. Batho ba hula ditjhelete ba sa tswadi hula. Abiele a ka a re o pota ka nqena o batla mosebetsi ba nna ba mojwetsa beng ba mesebetsi ba re a ke a fetele pele, moo metsi a kguwang kalenala! "No job. Awukho umsebenzi. Ha ho mosebetsi." Ana, ya eba onamantswe a mehla ao a neng a a utlwe ha a ilo kopa hore ba mo thole. Phalo ya ema le lesemela. Motho a qala ho ipotsa hore ekaba ho ye hoetsuwe jwang ha taba di le mahleke jwalo.
"Bra T moratuwa, moya wa hao wa foka thoteng tse tjheleng tjhe, molato ke eng" Ho botsa Tshepiso."Lehakwe la pelo ya ka, bophelo ke dihaeya. Ke tla hira koloi, e re isang haeno, ke rata ho tseba ba heno." Tebello o bua ka moya o fatshe?
Mmakarabelo a kopa Lereko hore a kgobe matshwafo, a hlalosa horeena ha se nako ya ho supana dipha empa ke nako ya ho buisana. Lereko leyena a se satalatse hlooho, a mo mamela, a ikgutsetsa. Mmakarabelo lemmae ba ile ba makatswa haholo ke se entsweng ke Lereko. Ho ya ka mooba mo tsebang hlooho ya hae e dumang ka teng. Lereko ha a tsejwe ka homamela batho ba bang, empa o tsejwa ka hore ha a etsa ntho, o e etsa feelantle le qeaqeo ya letho, o e etsa a sa kgathalle hore mang o tla reng le ho reseo a se etsang se tla mo kenya ka hara nyakanyaka kapa jwang.
Mantswe a sehlooho sena, Ke mora wa ka, a netefatsa seo e leng sa mmui. Mora, e ka ba wa hao wa madi kapa wa setjhaba. Palekgutshweng ena Kolobe o ile a bolaya mora wa hae wa madi ka matsoho a hae empa o ne a nahana hore o bolaya senokwane. Ketsahalo ena e ne e mo rute hore mora ha se eo a mo tswetseng feela empa ngwana e mong le e mong wa setjhaba ke wa hae. Ngwana e mong le e mong o hloka dikeletso le thuto e amanang le bophelo ka bobatsi, ho tswa ho motho e mong le e mong e moholo. Sena se netefatswa metheong ya Kharikhulamo e ntjha ha ho thwe, ditokelo tsa botho, toka le tsa ho phedisano di lokela ho ananelwa.
5.3 Ho haba dibaka.
"O se o ile wa kgutsa nako e telele haholo." Pelo e nngwe ya hla ya mpolella jwalo. "Ha ho sa na motho ya tla o kgolwa. Hlo itholele, o hle o ikele le pinyane ena lebitleng!"
Ho kgahlwa ke none e hlotsa - Ho rata motho o sa mo tsebe le ho mo tseba.
"Ntate! Ebe o tla kgutla" Ke Mamohale eo. "Ke bona leqheka la hao lele boima.?
Ho hatsela ka mpeng - Ho tshoha.
Ke ile ka reka diaparo tsa teng ka pelenyana mme letsatsi la pele feela, ka tshwana le ba bang. Letsatsi la pele ke ile ka fela pelo ha Takadimane a ema ka pele ho rona a re, "Ntho ya pele eo ke ratang hore le e tsebe ke ho re karate ha se papadi. Ke phapang mahareng a lefu le bophelo. E mong le e mong wa lona o tshwanetse ho mamela ka hloko ha re rapela, a etse ka mokgwa oo a bolelang thapelong eo hobane karate ha se papadi jwalo ka ha ke se ke boletse. E kotsi, motho ya ithutang yona o tshwanela ho ba mothoya hlooho e bulehileng, ya sa keneng dintweng ho sa hlokahale. Bohle lelokela ho ba mohlala o motle setjhabeng. Karate le tla e sebedisa feela ha lepholosa bophelo ba lona kapa ba ba bang ba kotsing. Ke a kgolwa reutlwane."
Ho tletleba - Ho komakoma.
O ne o le teng, empa pasa ya hae e na le ditempe tsa borapolasi, ka hoo ha a dumellwe ho sebetsa toropong. A eletswa ka hore a mpe a yo e lokisa mahaeng a ba batsho. A fumana di halefile ditlelereke. Mola o le molelele.
Mmatoko o ile a lla ha bohloko baahisani ba ba batla ho hlwela se etsahalang. Ba fihletse MmaToko a pitika fatshe. Ba ya bitsa koloi ya bakudi ya mo isa sepetlele. Ho ile ha fumanwa hore o robehile dikgopo. Dingaka tsa mo eletsa ho re a tshwarise Toko. Yena o ile a hana ka lebaka la hore Toko ke yena ya sebetsang. Ka mora kgwedi tse tharo o ile a lokollwa sepetlele a ya hae. Polao o ne a ntse a sa tsejwe hore o ile kae haesale a tsamaya mohlang ntatae a neng a mo shapa.
Bahlankana ba bang ba bararo ba Manana e ne e le Malepa, ya neng athapisa banana ka leleme le monate la mahata, e le Marabe, ya kotsi jwaloka noha, tsotsi ya moshemane tje, e mong e le Kgunyedi, ya monyemo, yafapanyang dikgarebe le bahlankana ka leleme le ditshebo. Hona matsatsingano ka mora tantshe e kgolohadi eo, Marabe le Malepa ba fedisana kadithipa le dithunya ba tsekisana Manana. Kgunyedi o ile a ba ririanya kameriri, yare ha lelakabe le tlola a qatsoha a ema jwalo ka mane, a boha hangwale e kgiba! Ha Mohau a utlwa mamphemphe ao, a re feela, "Keleboha kgutlana la ka, Ramasedi!"
Ha o nahana, na kgodiso ya mora wa Kolobe e bile le tshusumetso ho holeng le ho nahaneng ha hae kapa bothong ba hae. Tiisa karabo ya hao ka dintlha tse tswang palekgutshweng ena.
1.7 Abiele o ile a rera ho thaba le lelapa la hae hoba a reke koloi. O entse eng ho etsa hoo?
"Ke tletse ho tlo bala, ha eso ke Qwaqwa." Ho araba Tshepiso.
"Kwana ke ne ke sa re ha se ngwana wa hao, nnyeo. Ho a tsebahala hohle mona motseng hore eo ke mora wa hao. Empa ho ya ka moo o mo tshwereng ka teng ho sa boetse ho tsebahala hore ke wena ntatae ya mo etsang hampe jwalo." Mmatoko a realo.
Ba ne ba se ba tswile ka hara toropo, mme ba se ba tsamaya lefifing mooho neng ho se ho se na mabone a seterateng. Ka ho panya ha leihlo ke haho se ho ropoha bahlankanyana ba babedi hara mafifi moo. "Emang honamoo." Ho kgaruma e mong wa bahlankanyana bao. "Re mapolesa. Re se rele tshwere ka ho tsuba matekwane. Ha re hle re yeng ofising ya sepolesahona jwale." Ka ho tshoha ho hoholo Kolobe wa batho a re o a ipuella."
1.4 A itahla. D. A mo halefela.
Tebello a rotha mofufutso o tlalang noka.
Tse etsahetseng ntweng ha re di bolellwe. Re kopana le Moferefere e se e le sefofu a se na le matsoho a sotlehile hoo o neng o ka re, ntatemoholo ho yena.
Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke moqabanyi. Ntho enaha se sebapallwa, ke moraparapa wa selalomehadi sa sekwenyamatjhaba!Ha se pheko. Ha se pheko bo!
Ke eng seo Kepa a ileng a se etsa ha a tswa mabitleng ho tlosa sesila.
3.3 Ho ja jwang le diphoofolo 3.
NS Zulu o qadile ho ngola ka Sesotho e sa le mohlankana, mme sengolwa sa hae sa pele se ile sa hlaha e le tshwantshiso ya letsatsi radiyong, e bitswa, Sejeso. Mookotaba wa yona e neng e le ho bontsha ho re batho ba bangata ka nako eo ba ne ba nka lefu la lefuba e le sejeso sa boloi. Ha a ithutela botitjhere o ne a ntse a ngola dipale tse kgutshwanyane tseo bongata ba tsona di ileng tsa hlaha pokeletsong ya hae le ntate NS Litabe e bitswang, Fiswana la Morena. Padi ya hae, Nonyana ya tshepo, e ile ya fumana moputso wa pele wa dingolwa wa Kagiso-FNB. Padi ya hae ya bobedi, O titimetse, e ratwa haholo ka lebaka la ho ikamahanya le ditaba tsa setjhaba tsa matsatsing ana ao re phelang ho ona. O phatlaladitse hape dipokeletso tse pedi tsa dithothokiso tsa Sesotho, e leng Moduwane le Majwe. Moduwane, e pokeletsong, Moduwane, e ile ya hlahiswa lenaneong le thelevishene le bitswang Voices of Africa. E ne ebile e le e mong wa bahlahisi ba lenaneo leo.
Ntata Karabelo wa madi ke mang?
6.3 Ho ropoha.
Sesosa sa mathata a lelapa la boThabo ke sefe?
Ka mora matsatsi terene ya fihla toropong ya habo. E ntse e le yona torotswana e thatafatsang bophelo. Dintho tsohle tseo a di tsebang di ntse di le jwalo ka ha a di tseba, ho sa fetoha letho. Le mangolonyana ana a polakwang dihekeng le mamating a dipetlele, diteronko, matlo a jwala, dihotele, dikhemisi le dikereke, a ntse a le teng. A ngotswe ka tsona ditlhaku tse ntsho matlapeng a masweu.
Ke hopola hantle hore ke ile ka araba dipotso ka maikutlo a hlileng asithabetseng. Ntatae o ne a ile, ke setse. E, ke nnete, o ne a ile le tjhelete, antshihile le ngwana. Mosadi ya neng a tla tswalla lefatshe e mong wabaetapele ba lona. O a behwa kajeno, mme lefatshe le a hoa. "Ha a behwe!"
O ka kgothaletsa batho jwang ho ela hloko kananelo ya ditokelo tsa botho, kenyeletso ya bohle le toka ho tsa phedisano o ipapisitse le dikahare tsa palenyana ena?
Mofetakatsela ya boneng ketsahalo ena, a letsetsa ba thuso ya pelemohala. Ka mora metsotso e mashome a mabedi, ba thuso ya pele ba fihla, ba theohela selomong moo koloi e wetseng teng ho ya bona hore mokganniwa yona o maemong a feng. Ha ba fihla ba fumana e se e le maobane hoTsholo, tjhoba le se le letse phoka. Hlooho ya hae e ne e kene lebiding laho qhoba, boko ba hae bo tswetswe ka ntle.
2.8 Mathata a hlwa manolo hodimo.
"Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla." Hona mona, re se re tsebiswa ka baphetwa ba rona ba sehlooho e leng, Majoro enwa ya behwang le nkgono Mmathulare hammoho le qaka eo a tshwarahaneng le yona. Qaka ena e hlahiswa e kopane le thabo e renang pelong ya mosadimoholo. Le ho tsoha, o tsohile e sa le ka meso hore a tsebe ho shebella thelevishene empa tlhomamiso ya ngwana ngwana hae e tla hlahiswa ka hora ya leshome. Qaka ke hore sena ke pinyane.
Ka mehla ha bana ba etsa ntho e mpe kapa e ntle, batswadi ba ye ba rate ho tseba hore na ba e rutilwe ke mang, ba e bone ho mang. Ka nako e nngwe ha ba hlokomele hore bana ba bona bongata ba dintho tsena ba di bona ho bona. Ha eba ngwana a ka phehella ho nna a etsa dintho tse jwalo, e be motswadi o phakisa ho mo lwantsha le ho mo tebela, ho ena le hore a mo ahe ka dikeletso le dikgalemelo tse mo lokelang jwalo ka ngwana.
Abiele o ne a sebetsa khampaning e tsebahalang. Khampani ena e ne ele lekala la khampani e kgolo ya mose kwana. Mosebetsing moo Abiele ene e le e mong wa bomatwetwe ba ka sehloohong. Mmathabo yena o ne asebetsa keretjheng moo a neng a hlola a disane le "bodiponkonono" banaba hlodiyang. Le hoja e ne e se mosebetsi o nang le tjhelete e hlileng ebonahalang jwalo ka ya moo monna wa hae a neng a sebetsa teng, le yena one a sebetsa ka thata mme a ntse a kgona ho thiba mabaka a lelapa. Thabo o ne a sa tswa feta sehlopha sa Sub B mme a tla fetela sehlopheng sa peleisao.
Ka tsatsi le leng Kganyapa a be a se a qwaketsana le Takadimane ba ba ba nkana ka dipeta. Kganyapa o tlohile a nyatsitse Takadimane empa Takadimane o ile a mo etsetsa mohlolo oo a neng a qala ho o bona. Kganyapa o ile a tsoha fatshe empa a sa tsebe jwang.
Jwalo ka kgabo ya mollo ha e latswa jwang bo ommeng mariha, ditabatsa ntwa ena tsa tlala motse ona wohle. Kganyapa o ne a jesetsa batho kgwebeleng mme ba ile ba thabiswa ke ditaba tsena tsa ho tlontlollwa ha hae. Ho a makatsa hore ntho e kang ena e ka tshwaetsa batho jwang Ke ile kabona le ba dikgotswana ba se ba tseba ho ema tseleng ya ka, motho wa tengho bonahala hore o ntse a lakatsa ho lwana. Le ha ke ne ke rata ho mo phamola ka tlelapa, ke ne ke tshaba ho etsa jwalo hobane ka kelellong ya kaho ne ho fihla kgopolo ya hore o batla ho ntika le ba bang. Bophelo basulafala hobane jwale Kganyapa o ne a le dihlong hoo a neng a sa rate hokopana le batho ba bang. Ke ile ka fata maikutlo a ka bosiu le motsheare kebatla tsela e bobebe eo nka itshwasollang ka yona makaqabetsing ao ke lengka hara ona. Batho ba ne ba ntshoketse, e mong le e mong wa bona o ne arata ho lwana le nna. Ke qetetse ke mathela ho Sylvester eo ke tsebang hore ke motswalle wa Takadimane. Ha a mpona o ile a sisinya hlooho, abososela jwalo ka motho ya seng a tseba se ka kelellong ya ka?
Mmatseko o hopola ha a ne a qoqa le moahisani wa hae, a mmolella hore Mmamojalefa o itse o mo hopotse haholo, mme o se a palame terene hona tsatsing lena, ha a sa senya nako.
Mohala wa lla, mme jwalo ka tlwaelo, wa arajwa ke setloholo sa ka kamatjato le mafolofolo ao se tsejwang ka ona.
Bashemane ba binang, "E boima joyene".
Pelo ya ka ya rotha madi - Pelo ya ka ya utlwa bohloko haholo.
Mophetwa o ne a ile ho etsang mabitleng?
Ho di raha - Ho tsoha hoseng.
Tsholo o ile a thunya mofufutso phatleng. A pota diphaposi tsohle tsantlo a sa tsebe hore o batla eng. A tshwara hona, a ho tlohella. A tshwarehwane a ho tlohelle. Yaba ha a sa senya le nako. A bitswa ka hara koloi yahae e talana e pepileng lebidi ka morao. A e rutla, ya phukalla tseleng yakerabole. Moo e fetileng ha sala lerole.
"O na le ntlo e kgolo, o na le basebeletsi ba o sebeletsang, o isitse moradisekolong sa maemo a hodimo, ebile o na le tjhelete." Ke Mmatefo a buang.
Ho sa je ditheohelang - Ho tshwenyeha ka ntho e itseng.
Tseo ba bang ba di buang ka yena.
Ha a bula mahlo a hae ka tsatsi le leng ka mora hoba a hlaphohelwe, Thabo a bona mmae le ntatae setulwaneng haufi le bethe ya hae manesepetlele. Mahlo a hae a tomoloha ha a bona ntatae, yaka e se e ntse e le yatlo bolawa. Baoki ba ba ba makala hore ngwana o teng ya ka tshoswang kentatae hakaalo.
2.1 Kgomo ha di na motloha pele. A. Dintho di etsahala ka nako ya tsona.
Mmadi ha a qala a tshwara buka ena o ipotsa dipotso, "Ebe ha ba arabe se batluwang hobaneng" Kapa a ka re, "Ha ba arabe! Ba tholetseng jwale Nna ke buile ke buile.?
Seko long ba ya ntshe............
1.9 Komello e iphile matla. I. E bile moetapele wa basebetsi.
Moetapele ke moetapele ke polelo e ho sekao peho. Mona re fumana puo-sebui e sehalo se leng hodimo. Sona se bontsha hore mmui kapa ba buang ba thabile e le ka nnete. Jwalo ka ha e le polelo e ho sekao peho, jwang kapa jwang, enwa ya hlomamiswang o tshwanelwa ho behwa hoba e le moetapele ya tshwanelwang ke ho etella setjhaba pele. Ha ebe ho na le ya leng kgahlanong le seo, maikutlo a hae ha a tlo ananelwa ho hang. Ha ebe ha se ngwana monna wa morui Mataboha, kapa wa mosadi wa dikitjhining, hoo ha se lebaka. Ka mantswe a mang le dumme ha ho be jwalo. Ho ya ka Kharikhulamo e ntjha sena se kenella ho kenyeletso ya bohle, toka ho tsa tikoloho le tsa phedisano. Motho ha a kotelwe ka baka la maemo a mo potolohileng.
Ho nyemotsa - Ho sheba hampe.
Puisanong ena ya lelapa le rona re utlwa mofuthu oo o ka lapeng leo. Ho a qoqwa, ho a tshehwa ho monate. Jwalo ka mmadi o ikutlwa o lakatsa ho ka bona ngwana enwa ya fothakelang ntatae hakanakana ka dipotso. Mongodi o hlalosa lelapa lena ka diketsahalo tse etsahalang ho lona. Qalong mongodi o re lapa lena ke le mofuthu. Mofuthu ona hare ho pale, o fetoha mohatsela ho fihla o be fetoha leqhwa la mariha. Tlhaloso ena e qaqisa phetoho e lapeng leo la Abiele ka botlalo. Abiele o boela a tshwantshwa le sebata se hlaha. Setshwantsho sena se hlalosa hantle seo Abiele a leng sona.
2.5 Phalo e eme le lesemela.
Ditaba tse di hlaha dipalekgutshweng dife A ko nahane o be o fane ka mabaka?
Na botho ba Mokgashane bo fetotswe ke ntwa ya Takadimane le Kganyapa kapa ke ho bapala karate Tshehetsa karabo ya hao ka dintlha tse tswang paleng?
Mohau o bonolo, o mosa, o ditshehwana le ha a utlwile bohloko o phakisa a itshedisa. O ikamohetse ka moo Modimo a mo bopileng ka teng ebile o leboha Modimo ka hona. Manana ke mmadiberwane, ha a di hadikela ho di ja, ha a fetwe ke borikgwe, o rata banna le tjhelete.
Eitse e se neng Polao a kena monyako. Ntle le ho mmotsa dipotso, amo ubella jwalo ka phakwe e ubella ditsuonyana. A sa mekamekane le yenajwalo, Polao a fumana sebaka sa ho itshwasolla mme a betseha. E ile yaba oile, o ile Polao. A siya ntatae ka le reng a ke ke a hlola a mmona, ebile ha akgolwe hore eo ke ntatae!
10.4 Ho di raha.
Ha motho a o botsa potso kapa a o ngolletse, o lebella hore o mo arabe. Ha o sa arabe o a tshwenyeha. Kepa o nkile joyene ya dilemo tse tharo. O ngolla hae, ha ba mo arabe. Taba eo e a mo kgathatsa.
Ntate Toko le kopano tsa sekolo ha a di tsamaye hobane le teng mosuwehlooho o ye a eletse batswadi ka ho kgalema bana e seng ho ba sotla. Toko o ile a amohela hore o utlwile mantswe a mosuwehlooho le hore a ke ke a shapa Polao ha a fihla. Ha polao a kena monyako o ile a mo phamola seka phakwe e phamola ditsuonyana a sa mmotse letho. Polao o ile a kgona ho phonyoha a baleha a jwetsa ntatae hore ha a kgolwe hore ke ntatae le hore a ke ke a hlola a mmona.
##ke mang Ho botsa Mamohale?
Tsatsi ke le mahlonoko, motseng wa Naledi.
Ho phophoma - Ho tlala.
Bokweta - Botsotsi Ha hlooho e tjhesa - Ho opuwa ke hlooho Hlwahlwa - Sebele Kgekgenene - Ho ema ntsi!
Mosotli, selalomehadi, qabanya, pheko, matjhaba.
"O a behwa mora Mataboha." Batho ba ne ba di qala jwalo. "Se ile sahlola ntataemoholo, empa yena ke eo o ilo se kotsomala."
Ho itahla - Ho tsamaya.
6.2 Ho itsibola.
"Dikoduwa tse tjena re di utlwela ka sewelo ho lena la rona." Ho realo moetapele e mong puong ya hae ya matshediso. "Re se re bile re hopola hore ntho tse tjena di etseditswe mafatshe a mang feela. Ke nnete ho bohloko haholo dipelong tsa rona, empa re lokela ho leboha ha re ntse re hopotswa hore le rona re motjheng wa ho hlahelwa ke dikoduwa tsa mefuta ena, tse hlahelang mafatshe a mang, le ditjhaba tse ding. Re lokela ho dula re lebelletse tse kang tsena ka dinako tsohle. Re lokela ho leboha Modimo ha a ntse a re phephisa boholong ba dikoduwa tsena. Re tshedisa naha. Re tshedisa setjhaba. Tsietsi e hlaha mabaka a fokola." Dipelo tsa setjhaba di dutla madi.
Ba sa ile le kgongwana hodimo, ba fihla ba tse phatshwa. Ba ikakgelahara bona. Ba phasaphasa sa madinyane a lekodikotwana. Ke dintja kamona, ke mosi o llisang ka mane. Ba bang ba tsamaya ba wa, kitikiti, kitikiti, kitikiti, fatshe! Ba hlohlwa veneng ya mapolesa. Ka mora morusuoo ba nyollelwa tjhelete, e le kgale kopo ya bona e ntse e nyahlatswa. Nthoe ileng ya ba hwayahwaya ke ha ho thwe e nyolotswe ka diphesente tseleshome. Ha ba utlwisise taba eno, bona ba tseba tjhelete e nyollwa kadiranta. Le ha ho le jwalo ba shwela ka hare jwalo ka thope e tshaba hobolella mohlankana hore e shwele ke lerato. Ka mora dibekenyana ba nnaba fumana molaetsa ka hlokwana-la-tsela hore bonnyeo ba ipolaetsetjhankaneng. Ba bang ho thwe ba ne ba kula, ba bang ba nwele tjhefu, haba bang ba itahletse faatshe ba le mokatong o ka hodimodimo. Ba bang hothwe ba isitswe sehlekehlekeng se hole kwana.
Ho E thala e boela mosehlelong, mongodi o re fa ditaba tsa palenyana ena di sa tsitsitse, a re phethela ka lelapa le phelang ka tlala e kgolo. Tebello, monna lapa leo, a bolella mohatsae hore o ya Secunda ho ilo batla mosebetsi. O ile a tshepisa mohatsae hore a mo lebelle mafelong a kgwedi yona eo.O kile a fihla Ngwana ngwanana o ile a ba a hlaha, a rehwa lebitso la Tshepiso. Tshepiso o ile a hola ka thata ha boima, empa a hola. A hola a ba a batla ho tseba hore ntatae ke mang hoba bana ba bang ba ne ba mo tsheha sekolong. Mmae o ile a mo tsebisa empa a tiya, a ba a iketsetsa kgwebo ya ho rekisa ditene. O ile a ba ikahela ntlo ya tonanahadi, a hafa ka nkatana. Mamohale o ile a kopa moradi hore a se etsise ntatae eo le ha jwale a ntseng a mo emetse empa a tshepisa mmae hore o tla itshwara hantle mme a sebetse ka thata. Na e kile ya etsahala Le kgale. Tshepiso ke elwa a ilo dula le Mr T a ba a mo fa ngwana ka selemo sa hae sa ho qetela. Mohlang Mr T a hopolang hore lefatshe ke lefatshe ha le na beng ba lona, le tletse dihaeya, a rata ho yo tseba ba habo Tshepiso, Qwaqwa. Athe ke ha hae. Tjhe o ne a nepile Mosotho ha a ne a re, "Leoto ke moloi." Tsena ditaba tsa etsa hore mohatsae Mamohale, a wele fatshe ke letswalo. Bapisa tlhahlamano ya ditaba tse ka hodimo le tsa Moetapele ke moetapele. Na mongodi ntlheng ena ya manollo o a atleha Ho Moetapele ke moetapele mongodi o re fa ditaba tsa pale a re tjebela pele mme a re phethela ka tlhomamiso ya setloholo sa nkgono Mmathulare, le ka moo sena se neng se mo thabisitse ka teng. Le ha ho le jwalo qaka ke hore o dutse ka lekunutu leo a neng a qetile le mehopolo ya hae hore o tla kena le lona lebitleng. Mongodi o boela a re isa qalehong ya ditaba, moo nkgono e neng e le mosebeletsi wa dikitjheneng, le ka moo a ileng a ima ka teng. O re hlalosetsa tsa maima ao nkgono a ileng a kopana le ona ho fihlella a nka kano e boima ya ho fana ka moradi wa hae wa matsibolo. Mongodi kgafetsa kgafetsa o ntse a re bolella ka tsa ho behwa setulong sa bomajoro ha setloholo sa nkgono le ka moo batho ba motse ba neng ba seba ka teng. Le ha ho le jwalo, kgolo ya moradi wa hae Refilwe, e ne e tshwana le ya bana bohle ba dikgorane. Qetellong ba itshepa ho feta tekano mme ha ba bone batho ba bang ka letho. Mongodi o re tjebela pele le morao sepheo e le ho utulla le ho hlalosa diketsahalo tse bopang moralo, tsela ya puisano le phethelo ho phutholla pale e hodisang moralo. Tsena tsohle di pepesa qaka le tharollo ya qaka qetellong ya ditaba. Re le babadi re utlwa tsela eo Mmaletsatsi le Kabelo ba buwang ka yona. Sena se lokolla le ho imolla nkgono ho jareng kidibitla e kanakana ya tabahadi, e leng hore, majoro, ke ngwana ngwana nkgono eo a ileng a fana ka yena ho monna morui e leng Mataboha ya dulang mane Meqheleng, ya neng a sena bana. Sena se re bopela tharollo ha palekgutshwe e phethelwa?
"Weso a ko bue le Tebello hle! Re bona taba ena ya bona e ntse e yahole haholo." Tsietsi o kopa Moeletsi.
O ile a iteta sefuba Mmakarabelo hore a bue manti, nnete ya mmakoma, a sa lobe letho. O ile a fupara diatla tsa monnae. A mo atametsa ho yena.A mo pholla mahetla. A nto mo tadima ka pelotlhomohi ka hara thaka tsamahlo.
"Nna ke rata ho palama kariki ya Ritjha ha re fihla mono Thekong ntate. Ke utlwile boThabiso ba re le bona ba ne ba e palame ha ba ne ba ile matsatsing a phomolo hona mono Thekong, ngwahola. Na wena o kile wa e palama ntate" Ho botsa Thabo. "E, esita le mmao o kile a palama kariki eo ya boRitjha. Botle bo bokaalo Thabo, ke o jwetse, mora. O ka fumana boRitjha ba ikgabisitse hantle mme ba tshwaneleha ka mokgwa o makatsang. Ha ba matha jwalo ka kariki tsa bona, o ka fumana ba etsa menyakwe e tsotehang. O tla kgahlwa. Taba feela ke hore o be le sebete hobane ka nako tse ding o ka fumana kariki e eya ka lekeke e etsisa lekgala?
4.7 Kepa o ngolla hae.
"Ao, wena monnaka" Ho rialo Mamohale a sisinya hlooho. "E le hamethepa o e siile kae?
"O mang wena o ka buang le nna jwalo Ke tla o phoqa le bonabaetsana bao ba hao. Ha ke tanakelwe ke bommamesana ba kang lonatjena. Mosadi ha ke mo tadime le ho mo tadima, nna! Ke efe keletso yamosadi e kileng ya pholosa monna wa hae kapa hona ho pholosa lefatsheO imamele ha o bua le nna, nka tloha ka o etsa se sa etsuweng batho honajwale." Ke Toko eo ka bohale?
A fellwa ke matla.
"Mona re hlompha motho e mong le e mong ya filweng mosebetsi waho re tataisa. Ha re kgathale hore ke motho wa mosadi kapa o monyenyanehakaakang. Re tshwanela ho etsa tsohle tseo a di laelang." Ka morao hopuisano eo, Takadimane a biletsa ba bang ka thoko mme Prudence a reruta seo re tshwanelwang ho se etsa. Pelo ya ka e ne e utlwile bohlokohobane Prudence o ne a re ruta ntho e le nngwe nako e telele, ngwanaenwa a nthuta ho fina setebele athe ke tsebile ho se etsa pele a tswalwa. Dihora tse pedi tsa fela a ntse a re, "Ake Uke Ichi, Ni, San, Ji, Go, Roc, Sichi, Haj, Ku, Ju!"
Terene e a mo tena. E tsamaya e ema kgafetsa e ka re e kgathetse ke lebelo le morwalo wa yona wa mehla ena. A lakatsa ekare a ka fofa, a kgaola masabasaba a dithota, diphula le diphulana, dinoka le dinokana, dithaba le dithabana, a fihla hae. Mahlo a hae a se a tletse dikgapha, o tshaba ho sheba batho jwalo ka motho ya yang phupung. Ka ha o ne a dutse haufi le fensetere, a dula a shebile ka ntle. A kgahlwa ke matlo a matle a borapolasi. Ho thotse hamonate empa a makala hore ho etsahalang ka hare. Dikgomo di tlepola jwang hamonate, di tshosa dintsintsi tse kgathatsang ka matjhoba a tsona. Motjodi o mafolofolo o ntse o tloha kgomong ena o dule ho yane. A tshoha monna e mong a se a botsa. Hao, moreso! Ha eka o a lla tjee?
Tshepiso a lla sa mmokotsane.
Qoqa ha kgutshwane ka mookotaba kapa molaetsa wa palekgutshwe ena.
4.2 Kepa o utswa diradiokhasete tse pedi.
1.3 Ho tlile jwang hore ntata Thabo a fetohe letahwa?
Mohau, lefeejana, jwale re teana le yena e le mohlankana wa dilemo tsemashome a mabedi. O ntse a le mosa jwalo ka kgale, feela jwale o elellwamakamakama a lefatsheng haholwanyane hobane o se a le sehlopheng sabosupa. Mohau o bona a sa jwetswe le ka ho hlaka ho re mona lefatshengphokojwe ho phela e diretsenyana.
"Hao moratuwa e se e le eng ha o mphutuhela mosebetsing tje" KeMmakarabelo eo a tonetse monna wa hae mahlo ke ho makala hore e be ho hlahile eng, hoba monna ha a ke a mo hlole mosebetsing?
NS Zulu ke setho sa mekgatlo e mengata ya bangodi, ya dipuo, le ya dingolwa. Ekile ya eba molekanyetsi wa dihlahlobo tsa materiki tsa Sesotho, Puo ya Lapeng, porofenseng ya Kapa Bophirimela. O phatlaladitse haholo dijenaleng tsa dingolwa ka dingolwa tsa dipuo tsa batho ba batsho Afrika Borwa.
Hlalosa le ho fana ka semelo sa Mmathulare ka botlalo.
Hoba Thabo a tsamaye jwalo, Abiele a ka a re khuu! "Hei, ka nnete wa tla wa mpholosa hara tse thata dipotso he Mmathabo. Motho o dipotso enwa eo ho thweng ke Thabo banna wee!" Mmathabo a bososela. "E, ke ile ka hla ka bona hore Thabo o o qakile ke ha ke tla re a tsamaye jwalo ka bohlale. Hobaneng o ne o sa mo arabe Na nna o ka nkaraba ha ke o botsa yona potso eo ya Thabo Hobaneng metsi a lewatle a le letswai" Abiele aitshehela feela. Ba ne ba tlwahetse ho nna ba swaswa jwalo ka lapeng leo labona. Ka mehla e ne e ba ditsheho ha Thabo le yena a ba phetela tsa haetsa sekolong kwana. Lelapa la Abiele, lelapa le mofuthu?
Ho ja mabela - Ho phela.
Ke tlohile ho Sylvester ke kgotsofetse.
"Eya butle hle Toko! Ha o mamele se buuwang ke ngwana ke eng na, ha o se o mo ja ka bohale tjee! E re ngwana a bue maikutlo a hae re tle re tsebe sepheo sa hae."
A fihla polasing eo (a) ho yona(b)a letsatsi le (c) le (d) a ba a nahana hore le (e) ha e le mona le mo (f) tsela ena kaofela.
A hwantaka, Tseko. A ya kwana. A kgutla. A ya kwana. A kgutla. Asheba watjhe letsohong la hae. A sisinya hlooho. A sheba hodimo. A shebafatshe. A sheba borwa, botjhabela, leboya le bophirima. A tadima nakohape. A boela a thalatsa. Nako e mpe, e mpe haholo.
2.5 Lere le ojwa le sa le metsi.
O hodisitswe ke monna ya neng a rata lelapa la hae haholo. Re bona sena se etsahale ho Karabelo ha a ne a kopa horekgotso e be teng, mme o tla tjhakela ntatae le ha a tlo dula le mmae.
Pale e qala hare moo Kepa a seng a hlolohetswe habo. Tlholohelo ena e mo hopotsa tsohle tseo a fetileng ho tsona ho fihlela a iphumana a le moo dimmaeneng. Moqoqong oo wa hae pale ke hona e ahehang. O fumana tlhahlamano ya diketsahalo. Diketsahalo ka hara palenyana ena di a tswalana. Se etsahalang se fetola maemo a ditaba. Ho hlokahala ha ntatae ho mo qosa ho re a batle mosebetsi. Ka bomadimabe mosebetsi ha a o fumane moo polasing. O tlameha ho ya batla mosebetsing nqa e nngwe.
Mmakarabelo o ipotsa dipotso di hana ho fela. O iphumana a lahlehetsweke eo e neng e le pilara ho yena. Ho tloha kajeno o tlilo bitswamohlolohadi ka lebaka la lefu la eo ho neng ho tsejwa e le ntate waKarabelo, athe ha ho jwalo, ha se yena. A ipotsa hore ebe basebetsimmohole yena ba reng ha ba utlwa manyala ana. A ipotsa hore ebe baahisani batlilo mo nka e le motho ya jwang, a boela a ipotsa hore ebe sekolong saKarabelo, mesuwe, mesuwetsana le barutuwammoho ba tlilo reng. A ipotsahore ebe bophelo ba Karabelo e tlile ho ba bo jwang hang ka mora hore autlwe ka tsena.
Rona re ne re re, "Kiai" ka morao hobane a bale ha leshome.
Nkgono Mmathulare, botsofading ba hae, o a hopola jwale ka moo botjha bo leng makoko ka teng. Marato a batjha, a bosawana a betlang tsela e isang tshenyehong empa ba sa bone letho. O hopola ka moo a ileng a ratana le Qamboza ka teng le ka moo a ileng a mo siya le thoto e moimana. Mehopolo ena yohle ya kgutla; ya boMmaletsatsi motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo le lekgowa leo a neng a le sebeletsa, le neng le mo kgothaletsa ho ntsha mpa eo. A hopola le ka moo a ileng a hana he he he ho ntsha mpa eo.A hopola tsohle. A boela a hopola le ka moo a ileng a sala kgolo ya moradi wa hae morao ka teng le tsela eo a neng a bua le batho hampe ka teng, a bile a kile a mmuisa hampe hore pelo ena ya hae e rothe madi. A tseba le ha moradi wa hae Refilwe a eba le bana. A kgahlwa ke enwa eo ya behwang tsatsing lena, eo a reng ke motho. A hopola le ha a ne a tla ikisa mapoleseng le ho ikana pela mosebeletsi wa setjhaba le ntate Mataboha ha a ne a fana ka moradi wa hae. Ee, a hopola le kano eo a ileng a e nka mohlang oo. Empa ha di buuwe, ke pinyane. Mona re ka re ditsietsi di ne di latelana. Bakeng sa hore mosadimoholo a thabe, ke enwa mehopolo ya hae e se e kgelekgetheha.
Ho itomaka maleme - Ho potoloha taba kapa ntlha o bua hona le hwane.
"A ko kgothale hle, Tseko." Ho kgothatsa Mmatseko. "Mmoledi oboletse hore dikgomo ha di na motlohapele. Le ya rona e tla fihla."
3.1 Qoqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena.
6.5 Ho tletleba.
2.1 Qamboza. A. Malome wa Kabelo.
2.4 Ho beha tau setswetse.
Lentswenyana lena ke la monna, ya apereng seaparo sa kgale sethuntseng sa sesole. O ne a kokometse hodima kutu ya sefate, e le homeritshana e meputswa ho rwetseng diborele tse ntsho.
Ha ho potang Lereko o ne a tlamehile ho utlwela ka taba ena. Hang haa qeta ho utlwela ka taba ena seyalemoyeng sa Mahwelereng, a hla a bonahantle ho re jwale ke monyetla o moholo wa hore a ka nyala Mmakarabelo le hore a ka kgona ho dula le ngwana hae. A rera ho ya kopana leMmakarabelo ka ho panya ha leihlo.
Ho tshwara ka meno - Ho sebetsa ka thata.
Ho na le batho ba bang bao e leng metswalle ya sebele. Metswalle ya sebele ke e fanang ka dikeletso tsa bohlokwa mothong, e seng tse mo dihelang lemeneng. Abiele o ne a ntse a ena le metswalle e jwalo. E ne e se e le ka makgetlo e leka ho buisana le yena ka taba ena ya hae ya jwala empa a sataladitse molala.
Ha mofumahadi Koekemoer a utlwa hore ke moimana, o ile a tshwenyeha haholo, mme o ile a sisinya hore ke etse matsapa a ho ntshampa eo hobane ngwana a ne a tla ntshitisa haholo mosebetsing wa ka. Abolela ha ho ena le batho ba bangata haholo ba ka nthusang ho itholamorwalo ona. "Daar is baie klinieke in die land wat die ding kan doen."
Ho tloha mohlang oo, Kolobe ha e ya ka ya hlola e le Kolobe yane eobatho ba Dikalaneng ba mo tsebileng e le mothwana feela ya itshebeletsangmerafong. A fetoha ya eba motho osele. O ile a qala ka ho kena kereke, mme a fetoha modumedi e moholo. Sena se ile sa mo tlisetsa tshusumetso ya ho theha mekgatlo e mengata ya batjha, eo sepheo le morero wa yona eneng e le ho qobisa batjha dintho tsohle tse ka ba susumelletsang ho etsadiketso tsa botlokotsebe. O ne a ya le metse le metsana a ntse a hopotsabatswadi ka boikarabello ba bona ba ho hodisetsa bana ba bona tshabong leleratong la Modimo. Ka mehla ha a ne a bona ngwana wa motho e mong aetsa ntho e tswileng tseleng, o ne a utlwa bohloko bo boholo, mmemenahanong ya hae ho fihle mantswe a reng, "Ke mora wa ka! Ke mora waka!" Mesebetsi ya hae e metle e ile ya mo fetola moetapele ya hlwahlwasetjhabeng sa habo.
Hara mahlapa le dikomang tsa mosadi wa ntatae, a fela a rekelwamotjhini o jwalo, motla-o-tutswe wa Jeremane. "O kile wa bona kae kgorokgopjwe e kang wena tjee e tseba ho roka" Ho nyefola eo ho thwengke mmae. Mohau, raditshehwane a itshehela a ba a re: "Ke leboha kgutlanala ka, Ramasedi!" Ha jwale mmae-mmotwana a heletsa dithaba ke kgalefo. Mohau a ikakgela ka setotswana tshebetsong ya ho roka. Sethathong hobantatae a mo rekele masela le tshwele hore a hle a qale ntho ya hae, Mohaua duba thankga. "Hana ke tshwanetse ho seha lesela lee jwang ha ke rokabolouse Dikonopo tsona Masoba a tsona a phunngwa jwang" A tshwarabothata. O ile a tlameha ho nna a lesa ho roka, a lebe ha ntate Motaungyane wa seroki ho ya kopa thuso le tlhahisoleseding. Homme a e qotsetswa, hobane eo Motaung o ne a hlile a jarela Mohau mefokolo?
1.3 Ke mang ya neng a mo eletsa ka hore terene e a emelwa?
"Ke ntse ke eja masapo a hlooho." Ke Tebello eo. "Re lokela ho etsa hohong."
Ya eba mehoo le ditlatse ka hohle, ntle le mona moo ke shebeletseng kele teng. Ka utlwa ke seka meokgo ha ke hopola ho re enwa yathothokiswang ke setloholo sa ka. Ke ngwanangwanake ka sebele. Mmae otswa popelong ena ya ka, empa ke ile ka fana ka yena. O le tshabe lefatshe. Le hlomphe!
Karabelo o hodisitswe ke monna ya nang le lerato le boikarabelo. Re bona sena se hlahella moo a neng a kopa batswadi ho tlohella diketsahalo tse fetileng mme ba tshwarahane.
Tlhekefetso ka malapeng e ngata le mona ha Toko e teng. A ke o e hlalose o bontshe le ditlamorao tsa yona.
Mona ke moo mathata a fihlang bokgutlong. Ngongoreho ya Tseko e fihlile bokgutlong. Thabo ya Mmatseko le yona e fihla bokgutlong ka tshohanyetso ka baka la koduwa ya naha, terene e tswileng seporong, e phethohileng, e bolaile batho ba bangata. Ebile tsatsi le mahlonoko le nyarositseng lefatshe lohle, bang ke mahlasipa, bang ke bafu, ke dillo le ditsikitlano tsa meno. Mohatsa Tseko le ngwana ba hlokahetse kotsing eo ya terene. Matshediso a tliswa ho tswa ka mahohle. Hohle ho buuwa ka kotsi eo, naha e bodutu. Ke tsullung ya ditaba.
Bala ditaba tse latelang, mme o nahanisise hore di hlaha paleng efe. Tsona di ikamahantse le ntlha ena, phethelo jwang.
3.3 Bapisa qalo le qetelo ya palekgutshwe ena mme o hlakise hore e be mongodi o atlehile kapa ha a atleha phetisong ya hae ya molaetsa ka palekgutshwe ena.
3.3 Gauta o etsa Abiele a nwe jwala.
6.1 Ho fepeha.
2.1 Bolela mefuta ya karaburetso e hlahellang qotsong.
Kgotso Pieter David Maphalla o hlahile ka la 25 Hlakola selemong sa1955. O hlahetse motseng wa Bethlehem porofensing ya Foreistata. Okene diporaemari tsena tse latelang: Bohlokong, Khanyeng, Thabang. Sekolo se phahameng sona o se kene Tiisetsang, moo a fumanenglengolo la hae la materiki ka selemo sa 1974. Ho tloha moo a yakholetjheng ya matitjhere e Qwaqwa e leng Tshiya. O ile a fumanalengolo la botitjhere ka selemo sa 1976. KPD Maphalla o sebeditse a ntse a kena sekolo. O sebeditse Qwaqwasekolong se phahameng se bitswang Tshibollo. Ka lemo sa 1980 a yaruta Bethlehem sekolong se seholo sa Thabo Thokoza. O ile a tlohellabotitjhere mme a ya ba mongodi wa Qwaqwa Legislature Assembly kaselemo sa 1983.
11.4 Thabo o ngalletse Heilbron.
Thabo ya Mmatseko e ne e le habedi. Hlalosa.
Moferefere e le lona le mo tshwanetseng hantle lebitso. E le ho monyama, mahlo a le mafubedu a re tlere, nko e kgopame jwalo ka molomo wa ntsu!
Mohau a tlalwa ke thabo e kgaphatsehang. A nyakalla, a ba a ikutlwa e le motho, e seng sekamotho se mona se kwekwetlwang, se ilwang. Empa jo! ho se tsebe ke lebote! Hona mohla a lokelang ho kena mosebetsing, mohatsa leqwetha a re ho monna, "Mona ha ka ha ke batle diqhwala, ke o jwetse!" Ha Mohau a fihla teng a fumana mohatsa mmuellia se a batletse monna wa hae moshanyana a le motlenyana tje, ya seemo se setle, ya ratilweng ke mosadi eo ya tshajwang ke monna.
Jwale ke nako ya majoro e motjha ho bua le setjhaba. Ke eo a emakalaneng. Ya boela ya nna ya eba mehoo le ditlatse ka hohle. Ha a behwe!Ha a behwe! Ha a behwe!
"Toko, o a e bona ntho eo e leng kgale ke o kgalemella yona Ngwana wa hao o itatola wena kajeno. Ke kula tjena ka baka la hao. O mpolaile monnaka. O sa hopola hore nkile ka re ho wena, ngwana-mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha Ho jwang kajeno O moiketsi ya sa llelweng. Ho bokolla wena kajeno. O hanne ho tsamaya le yona kereke, o bolela ka moo kereke e sa lokang ka teng. Ke batla o yo mpitsetsa moruti ho tla nthapella ke tsebe ho arohana le wena ka kgotso.?
Bapisa qalo le qetelo ya pale ena mme o bontshe hore na mongodi o atlehile phetisong ya hae ya molaetsa.
Ha a fihla moo, a hla a pakelwa ke meputulo feela hore ntho e kgolo e neng e etsahala moo. Ditlhahlobo tsa qala ho etswa, mme mapolesa a qhalakana le moru ho batla seo ba ka se fumanang. Eitse ha e mong wa bona a re mahlo tloha! a bona ntho e kang motho e rapaletse thokwana mane lefifing. Ha a atamela a elellwa hore efela e le motho, feela ekare o se a shwele. Dikweta tsane tse ding, tse neng di wele fatshe, di ne di se di ile tsa ipha dimenyane. Ho bonahala hore di ile tsa tseba ho holoba, mme tsa sutha sebakeng seo pele mapolesa a ka fihla. Ha dipatlisiso di se di entswe, setopo sa nkuwa ke mapolesa ho se isa polokelong ya ditopo, sepetleleng se seholo sa mmuso.
Ke o ngolla lengolo lena ka pelo e tletseng mahlwele. Pelo etshwenyehileng, e hlokang kgotso. Pelo e labalabelang ho ba le sa yonajwalo ka kgama ha e labalabela molatswana.
Mamohale a tshola seruwe, ba ja. Ba kena dikobong, ba robala.
##baphetwa ba hae.
Ho rabaka - Ho ya hodimo le tlase.
Ka bokgutshwanyane, nna botjheng ba ka ke ne ke le ngwananyana waseithati, ya tshepileng ho itshwarela ka matsoho a hae. Ke ne ke tseba jwaloka ha ke ntse ke tseba esitana le kajeno hore Modimo o file mothomatsoho ho ipopa ka ona, le ho bopa ba habo le setjhaba sa habo. Eo tabake ne ke e tseba le ho e tshepa hantle, mme e ne e ntshebeletsa haholo, ebile e phedisa ba heso.
"Mmamojalefa le yena o manganga a tenang." Ho kgaruma Tseko, a se a bopile jwalo ka ha ba mo tsebang ba mo tlwaetse. "Ke ne ke itse ke tla etsa matsapa a hore ke reke koloi beke e tlang. Ke ne ke tla lata ngwana eo wa ka ha bobebe. Jwale re emetse terene."
O ntjhebe hantle nna. Enwa ke ngwana wa ka eo ke mo tswetseng mme a ke ke a ntaola! ho arabela Toko.
Se sa feleng se a hlola! Tsa fela dilemo tse tharo. Tsa fela Kepa a se a saipatle. Ha a fumana tjhelete ya hae e ngata, a utlwa a belaela ha atshwanetse ho thaba. Beke tse tharo pele a ya hae o ne a ba ngoletse horeba mo lebelle o a tla. A kopa hore ba mo kgahlanyetse seteisheneng. Bosiung boo a tla tsamaya ka bona, a lora a le hae. Bohle ba lelapa ba mothabetse, haholo mmae. Bana ba dikgaitsedi tsa hae ba mo thabetse hobanee bile mopholosi wa bona. Ba ntse ba mo kopa dipompong, ba mopotapotile.
<fn>Red card_Sesotho_construction_Red card.txt</fn>
Haebe o arabile ka tjhe ho efe kapa efe ya dipotso lehlakoreng le tshehla la karata ena, moo o bothateng mme le sebaka seo o sebetsang ho sona se bothateng.
Etsa ho hong ka hoo hona JWALE!!
<fn>SACFS. Dr. JohnPhilip.2010-05-31.st.txt</fn>
E re ka ha dr Philip e ne e le serata-batho (philanthropist) le Mookamedi wa Lekgotla la Boromuwa la London mona Afrika Borwa, o lekile ho phahamisa maemo a bophelo ba Masetedi ka ha o ne a bona kgonahalo ya sena hara bona. Ka baka la dipuisano tse leqophe tseo a bileng le tsona le Mmuso wa Manyesemane ka ditokelo tsa batala ba Afrika Borwa o ne a sa ratwe ke boholo ba Maburu. Dr. Philip o sebeditse haholo ho hlokomela lesisitheho la setjhaba sa Masetedi. Ho ba a ye phomolong ka 1851 dr. Philip o ile a aha Hankey moo a hlokahalletseng teng ka 27 Phato 1851.
<fn>SACFS. Dr.T.B. Muller.2010-05-31.st.txt</fn>
Dr. Tobias (Tobie) Ballot Muller e ne e le moruti wa Kereke ya NG Philippolis ho tloha ka 1916-1918. Monna enwa ya bohlale ha a ka a inehela kerekeng feela empa o ile a lwanela ditokelo tsa Ma-Afrikanere, haholo puo ya ona. Moruti enwa ya neng a ratwa haholo o ile a hlokahala ka 25 Mphalane 1918 nakong ya sewa sa ntaramane.
<fn>SACFS. Griekwas.2010-05-31.st.txt</fn>
Ma-Griqua a hlaha motswakong wa ma-Khoikhoi, Barwa, masole a makgowa le makgowa a baeti mmoho le makgoba. Ho ella mafelong a mongwahakgolo wa bo 18 batho bana ba ile ba ba sehlopha se bonahalang mme ba fallela moeding o leboya wa Cape Colony.
<fn>SACFS. GriquaMoney.2010-05-31.st.txt</fn>
Tjhelete ya pele e neng e ikemetse Afrika Borwa e ne e le ya ma-Griqua. E ne e le yona feela letshwao la bonqosa ba boruti ba Bokreste lefatsheng. Tjhelete e dipapetlwa e ne e le ya diyuniti tsa leshome mme ya e ba mokgwa wa pele wa ho bala o neng o sebediswa Afrika Borwa.
Missionary Society o ile a etsa kopo ya dipapetlwa ho Thomas Halliday. Dihlopha tse pedi tsa dipapetlwa di ile tsa romelwa Klaarwater ka 1815 le 1816. Dipapetlwa di ne di sa ngolwa mohla oo di entsweng ka ona. Tjhelete ena e e ne e na le dipapetlwa tse pedi tsa silivera, 10d le 5d, le tse pedi tsa koporo, Â½d le Â¼d. Dipapetlwa di ile tsa sebediswa bakeng sa dilemo tse pedi mme kamora moo bongata ba tsona ba qhibidihiswa. Dipapetlwa tsa koporo di leqeme ho feta tsa silivera.
Mane Griqualand-East (Kokstad), lekgotla la setjhaba le ile la hlahisa tjhelete ya pampiri ya New Griqualand mme ka 1890 ha etswa dipapetlwa ke khampani ya Jeremane mme tsa nyehelwa Lekgotleng la Setjhaba. E ka nna ya ba dipapetlwa tsena ha di a ka tsa etswa kapa hona ho sebediswa.
<fn>SACFS. Mokolokotwane.2010-05-31.st.txt</fn>
MOKOLOKOTWANE - e bolela hore mosebetsi ona ke mokolokotwane wa dingolwa. Buka ena ke pokello ya dithothokiso tse ngotsweng ka dipuo tse buuwang ka hara Freistata, ke bangodi ba santseng ba qala le ba hlwahlwa. Pokello ena ya dithothokiso ke sephetho sa Thupelotshebetso ya Wordfest ya 2008, e entsweng ka nako ya Macufe. Ke bohato bo boholo boitekong ba ho utulla le ho lokolla bokgoni talenteng ya bongodi ka hara Provense, mme ka hona re theha moetlo wa ho bala le ho ngola ka hara Freistata.
Mosebetsi ona o entseng histori ka hara Provense o kgonne ho phethahala ka tshebetsommoho ya Dilaebrari le Dipokello, Dimusiamo le Mafa a Setjhaba mmoho le Ditshebeletso tsa Puo tsa Lefapha la Freistata la Dipapadi, Bonono, Botjhaba/Botho le Boikgathollo.
Re rata ho leboha bohle ba bileng le seabo phihlellong ya mosebetsi/buka ena.
<fn>SACFS. Opskrifte.2010-05-31.st.txt</fn>
Konteraka ya theko le tumellano ya kgiro.
Mapetu a entsweng ka manaka a dinyamatsane.
Kwae. Magerikwa a ne a ithatela ho tsuba.
Thoto ya kgalase e methang bakeng sa ho latswa (tasting) ka kotloloho ho tswa sesebedisweng sa ho ritela, e rekisitsweng Moketeng wa Witblits wa 1995.
Setshelo sa witblits se neng se sebdiswe Moketeng wa Witblits ka 1992.
Mpho ya pakana ya 'liqueur ya 1996.
Monghadi Robert Yssel, seritedi sa pele sa ho ritela boranti da witblits ka molao Musiemeng wa Transgariep ho tloha ka 1982.
Sehlopa sa ho ohla le ho loha sekolong sa Pres. Steyn bakeng sa banana.
Dikama tse sebediswang ho nolofatsa boya.
Tse ohlilweng, tse lohilweng le mekgabiso ya Lenie Gouws.
Dintho tse fapafapaneng, tse kang dikobo, dimmate le dikhafo tse entsweng sekolong sa ho ohla Foreistata.
Phutheho ya monghadi Kolbe.
Kereke ya Magerikwa ya Senyesemane Kokstad.
Mmishone wa Mokgatlo wa Boromuwa wa London naheng ya Batlhaping Kuruman.
Lebitla la Mof.
Dinqalo Hankey moo ngaka Philip le mohatsae ba patetsweng teng.
Campbell, mmishone wa Boromuwa wa London naheng ya Magerikwa ka 1835.
Moruti le Mof. J.J.
Kereke ya Boromuwa ya Philippolis nakong ya ntwa ya Maburu le Manyesemane.
Ngaka Tobias (Tobie) Ballot Muller, mmoledi Kerekeng ya Boromuwa Philippolis ho tloha 1916 ho fihlela 1918.
<fn>SACFS. Rev.C.M. Fraser.2010-05-31.st.txt</fn>
Moruti Colin McKenzie Fraser mora wa boraro wa moruti wa le-Scot, e bile moruti wa Kereke ya NG Philippolis ka dilemo tse 44. O bile a kgethelwa bo-Moderator ba sinoto ya N.G. Foreistata ka makgetlo a mahlano. E re ka ha e ne e se moetapele wa motse wa habo feela empa e boetse e le ntata Rachel Isabella (Tibbie) Steyn, mofumahadi wa Pres Steyn, moruti Fraser o tsebile mathata a ntwa ka sebele. O ne a Tshwarwe ke British Military authority, s kwallwa tjhankaneng. O ile a ba a qeta nako kampong ya batshwaruwa, Norvalspont. Moruti Fraser o nnile a ntshetsa mosebetsi wa hae pele ho ba ntwa e fele. Moruti Fraser o phomotse mosebetsing ka 1907 mme a hlokahalla Cape Town ka 27 Hlakola 1911. O patilwe Philippolis ka 5 Hlakubele 1911.
<fn>SACFS. TheSan.2010-05-31.st.txt</fn>
In 1821 het dr. John Philip 'n sendingstasie vir die San opgerig te Philippolis. Hierdie veilige vesting sou die laaste kans op oorlewing vir die suiwer San in die Vrystaat wees. In 1826 het dr. Philip die Griekwas onder Adam Kok II toegelaat om hulle op Philippolis te vestig , en een van die voorwaardes was dat die Griekwas die San moes oppas. Dit was egter nie die geval nie en die San is uitgemoor.
Baahi bana ba pele ba Freistata ba ne ba phela bophelo bo kgutsitseng ba ho tsoma le ho bokella ka mengwasekete. Mengwahakgolong ya bo 18 le 19 ba ile ba qala ho kopana le bajaki ba batho ba batsho mme ha latela ma-Griqua le bajaki ba makgowa.
Ka 1821, dr. John Philip o ile a theha sebaka sa bonqosa ba boruti bakeng la Barwa, Philippolis. Sebaka sena sa boitshireletso e bile monyetla wa ho qetela wa hore ho be teng mahlatsipa a Barwa ba nnete Freistata. Ka 1826 Philip o ile a dumella ma-Griqua tlasa Adam Kok II ho aha Philippolis tlasa pehelo e reng ba tla sireletsa Barwa. Ka bomdimabe ma-Griqua a ile a bolaya Barwa bohle.
<fn>SACFS. TheSpinningAndWeavingSchoolAtPhilippolis.2010-05-31.st.txt</fn>
Ka mora ntwa ya Maburu le Manyesemane, mosadi wa Lenyesemane, Emily Hobhouse o ile a theha dikolo tse mmalwa tsa ho loha le ho ohla e le ho thusa batho ba Foreisetata ho fokotsa matshenwenyeho a bakilweng ke ntwa. Dikolong tsena basadi ba ile ba rutwa bokgoni ba ho loha le ho ohla mme hona ha etsa hore ba hlahise dintho tse ntle.
Sa pele sa dikolo tsena se qadilwe Philippolis ka 13 Hlakubele 1905. Tse ding tsa latela ka potlako Ficksburg, Bloemfontein, Bethlehem, Boshof, Smithfield le Winburg.
<fn>SACFS. Witblitsfees.2010-05-31.st.txt</fn>
Boranti ba pele ba Witblits ba Musieme wa Transgariep, bo ritetsweng ka morara ho ya ka moetlo, bo ile ba qhatswa ho tswa pompong mohla pulo ya musieme ka 1982. Monghadi Corrie Venter, seabi sa sesebediswa sa ho ritela, le yena ile ya eba seritedi. Ka mora katleho ya pontsho ya thitelo ya boranti ba Witblits eo musieme o e etsang selemo le selemo, lekgotla la motse wa Philippolis le ile la kotjwa ho qala mokete wa selemo ka Witblits e le mokotaba. Diketsahalo tse ngata ha jwalwe di bopa karolo ya Mokete wa Witblits o hohellang dipalopalo tsa baeti Philippolis selemo le selemo.
<fn>SAPS. Framework.2009-02-26.st.txt</fn>
Ho ya ka mehopolo e mengata, puo ya motho ke karolo ya botho ba hae, ke lruo la tlhaho la motho e mong le e mong eo re e sebedisang ho hlahisa ditabatabelo le mehopolo ya rona, ho hlahisa maikutlo le makgabane a rona, ho sebedisa bophelo boo re bo phetseng le meetlo, le ho haha setjhaba sa rona le melao e re busang. Ke ka puo re tsebang ho sebetsa re le batho lefatsheng le fetofetohang. Tokelo ya ho sebedisa dipuo tsa semmuso tseo re ikgathelang tsona jwale e se e amohetswe Biling ya rona ya Ditokelo, mme Molao wa rona wa Motheo o dumela hore dipuo tsa batho ke mohlodi oo re tlamehang ho o boloka.
Ke ikutlwa ke le motlotlo haholo, ka mora hore ho be le dipuisano tse phethahetseng ebe qetellong re boemong ba ho phatlalatsa moralo wa leano la puo le tla sebediswa ke Afrika Borwa. Jwale re fihlile qetellong ya mosebetsi o neng o qalwe ka 1995 ha ke ne ke thonya Sehlopha sa Tshebetso sa Moralo wa Puo (STMP) ho nkeletsa ka moralo wa leano la puo o phethahetseng. Mohato ona e bile wa bohlokwa ho ya ka ho se kgathalle ho amohela dipuo tse fapaneng le ho ba teng ha puo ya hore "tshebediso ya dipuo tse nagata e baka mathata a ditshenyehelo tsa ditjhelete" e utlwahalang setjhabeng, le ho tota ha ho sola ha dibui tse batlang hore ho sebediswe puo e le nngwe feela Afrika Borwa.
Moralo wa Naha wa Leano la Puo o thehilwe hodima ditaba tse tla fihlellwa ka ditherisano tsa rona, ka STMP ha mmoho le ka boiteko ba Lefapha la ka le ka tshebedisano le Moifo wa Boeletsi ka Leanong la Puo. Moralo wa leano ke wa motheo wa taolo ya mehlodi ya rona ya puo le katleho ya sepheo sa mmuso ho ntshetsa pele demokrasi, toka, tekano le kopano ya setjhaba. Ke ka maikutlo ana ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa semmuso tse 11 tsa naha ya rona, e leng tsa bohlokwa leanong.
Moralo ona wa Leano le ona o hlokometse hore bohlokwa ba dipuo tsa rona bo tataiswe haholo ke moruo wa tsona, phedisano le tshebediso ya dipolotiki. Ha puo e lahlehelwa ke bohlokwa ba yona mafapheng a maemo a yona, ebe a tla fela. Moralo wa leano o hlokometse hore re shebane le tshebedisano lefatsheng le hore dipuo tsa rona tsa naha di tlameha ho ba karolo ya tikoloho e holang. Ke ka hoo moralo ona o batla ho tiisa maemo le tshebediso ya dipuo tsa setjhaba Afrika Borwa.
Ke tshepa hore baahi ba Afrika Borwa bohle ba tla amohela Moralo ona wa Leano la Puo wa Naha e le wa bona. Ke dumela hore ha re sebetsa mmoho re tlameha ho hlokomela hoer leano le phethahale bophelong ba rona, re le amohele, ebile le re etse hore re be motlotlo ka boAfrika Borwa ba rona bo ikgethang.
Ke dipuo tse ka bang 25 tse buuwang Afrika Borwa, tse 11 tsa tsona di fuwe maemo a ho ba tsa semmuso ho latela Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo, Molao wa 1996 (Molao wa 108 wa 1996), hobane tshebediso ya tsona e kenyelletsa 98% ya baahi bohle ba naha.
Dipuo tse 11 tsa semmuso ke Sendebele, Sexhosa, Sezolo le Seswati (tseo ho thweng ke tsa sehlopha sa Sekone); Sesotho, Sepedi le Setswana (tseo ho thweng ke tsa sehlopha sa Sesotho); Sevenda, Setsonga, Senyesemane le Seafrikanse.
Afrika Borwa ke naha e sebedisang dipuo tse ngata. Ntlha e hohelang maikutlo ka ho fetisisa ka dipuo tse ngatangata tsena tsa Afrika Borwa ke hore bongata ba dipuo tsa matswallwa di buuwa ho tshela le meedi, di arolelanwa ke batho ba diporovense tse fapaneng.
Ha jwale ho na le ntlha e hlokometsweng haholo ya tlhokeho ya ho tiisa diteko tsa ho ntshetsa pele dipuo tsa matswallwa tse neng di tinngwe menyetla ho di kgothalletsa boemo ba puo tse ngata ha eba e le hore baahi ba Afrika Borwa ba tlameha ho lokollwa ho itshetleheng ho sa hlokeheng tshebedisong ya dipuo tseo e seng tsa matswalla jwalo ka tse phahametseng tse ding, tsa semmuso.
Ho fihlela jwale tsamaiso ya phapang dipuong Afrika Borweng e se nang kgethollo e sitisitswe ke ho se be teng ha leano la puo le hlakisitsweng hantle, ho lebisitseng ho sebedisweng ha Senyesemane le Seburu e le tse phahametseng tse ding moruong wa setjhaba le dipolotiking tsa setjhaba sa rona.
Ka mora dilemo tse robedi tsa demokerasi, Afrika Borwa e fihlelletse maemo a bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya baahi ba Afrika Borwa moo ba lokelang ho ba le boikarabelo ba phapang ya puo le setho sa bona le diphephetso tsa dipuo tse ngata tsa molao wa motheo, ke ka hona ho ileng ha etswa tsebiso ya Moralo ona wa Leano la Naha la Puo.
Moralo wa Leano ha o sibolle feela mokgwa wa ho sebetsana le dipuo tse ngata Afrika Borwa, empa o kgothalletsa ka matla tshebediso ya dipuo tsa matswalla jwalo ka dipuo tsa semmuso hore ho ntshetswe pele le ho kgothaletsa kopano naheng. Moralo o hlokometse le kamohelo ka bophara, ya dipuo tse ngata, toka setjhabeng, molawana wa phumantsho e lekanang ya ditshebeletso le mananeo a setjhaba, le tlhompho ya ditokelo tsa puo.
Tokomane ena e beha moralo o dumellang tshebediso e kopanetsweng ya dipuo tse ngata e teng tataisong ya Molao wa Motheo.
Ho tloha mohlang ho ne ho fihla Madatjhe Afrika Borwa ka 1652, ho ya ka puso ya dilemo ka tatellano ya Maborithani, Kopano ya Afrika Borwa, le ka mora moo, ho thehwa ha mmuso wa kgethollo le Rephaboliki ya Afrika Borwa, mme ka ho fihla ha demokerasi ka 1994 le dipehelo tsa Molao wa Motheo wa kananelo ya boemo ba semmuso ba dipuo tse ngata, leano la mmuso la puo le boraditjhelete ba matla di ile tsa hloleha ho ananela ho ba teng ha dipuo tse ngata Afrika Borwa.
Maemo ana a ile a etsa hore ho be le ho se lekane ha dipuo le hore dipuo tse ding di okamele tse ding moo dipuo tsa Senyesemane le Seafrikanse di qadileng ka kamano ya ho se lekane pakeng tsa tsona le tsa Afrika.
Ka tsela e jwalo, maano a bokoloniale le kgethollo, ha mmoho le a sepolotiki le moruo wa setjhaba, a ile a etsa hore ho be le kgolo ya ho se lekane ha dipuo, e bontshang ho phahamelana ha dipuo, ho se lekane ho hlahellang maemong a borabe le dihlopha tseo e bileng letshwao la setjhaba sa Afrika Borwa.
tse sa tsejweng, e seng feela ke ba buang Senyesemane le Seafrikanse, empa le ke bongata ba dibui tsa puo tsa Afrika ka botsona.
Maemo a rarahanngwa ke ntlha ya hore, ka baka la tlhokeho ya ponelopele le taolo ka lere la tshepe ntlheng ya ho sebediswa ha dipuo tse ngata, ditsha tsa setjhaba le tsa poraefete di na le tlwaelo ya ho etsa diqeto tsa nakwana ka ha puo tse sa dumellaneng le dipehelo tsa molao wa motheo le ditlhoko tse mabapi le dipuo.
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e na le dipehelo tsa sehlooho tsa moralo wa semolao bakeng la dipuo tse ngata, ntshetso pele ya dipuo tsa semmuso le phahamiso ya tlhompho le mamellano bakeng la diphapang tsa puo Afrika Borwa. E hlalosa ditokelo tsa puo tsa baahi, tse lokelang ho hlontjhwa ka maano a naha a puo.
ntlafatswe maemo le tshebediso ya puo tsa motswalla, ka mmuso o tlang ho kenya "melao le maano a mang ho laola le ho beha leihlo tshebediso ya dipuo tsa motswalla tse se nang menyetla".
Molao wa Motheo o fana ka matla maemong ohle a tshebediso ya puo naheng ka bophara, o fana ka tlhompho setjhabeng le dipolotiking ho dihlopha tsa puo tse hlokileng menyetla ka ntlha ya "ditlhoko tse hlalositsweng tsa setjhaba le dihlopha tse nang le maikutlo a tshwanang".
Karolo ya 6(3) ya Molao wa Motheo e batlana le mekgwa e ka sebediswang ya ho ntshetsapele dipuo tsena tsa motswalla.
Karolo 6(2) le (4) di na le dipehelo tse mabapi le puo bakeng la mmuso wa naha le diprovense, moo e leng hore mafapha a mmuso a lokela ho sebedisa bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso.
Ho kgothalletsa dipuo tse fapaneng ho feta, karolo ya 6(5) e na le dipehelo tsa ho thehwa ha Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (LDTAB) ho kgothalletsa dipuo tsohle le ho bona hore ho ba le ntshetsopele le tshebediso e seng feela ya dipuo tsa semmuso, empa le tsa Khoi, Nama le Sane, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. LDTAB e tla jala tlhompho bakeng la Dipuo tsa Bojalefa tse buuwang ke dikarolo tse itseng tsa setjhaba sa rona, le bakeng la dipuo tse sebedisetswang sedumedi.
Dipehelo tse ding tsa dintlha tsa puo di teng kaekae Molaong wa Motheo. Karolo ya 9(3) e fana ka tshireletso kgahlano le kgethollo e seng molaong ho latela puo, ha dikarolo 30 le 31(1) di le mabapi le ditokelo tsa batho ho latela setho, bodumedi, le tshebediso le ho thabelwa ha puo. Karolo 35(3) le (4) di mabapi le ditokelo tsa puo tsa batshwaruwa, ba kwalletsweng le baqosuwa, ka kgatello e ikgethang ya tokelo ya nyewe e hlokang leeme ka kopano e tshwarwang kapa e tolokwang ka puo ya boikgethelo ba motho.
Lefapha la Thuto (LT) le kentse "Leano la Puo Thutong" (LPT), le hatellang tshebediso ya dipuo tse ngata jwalo ka katoloso ya bongata ba ditho le leo e leng karolo ya bohlokwa kahong ya Afrika Borwa e se nang morabe. Motheo o ka sehloohong ke ho boloka puo ya ka lapeng ya moithuti e le yona ya ho ithuta le ho ruta, empa baithuti ba kgothalletswa ho ithuta dipuo tse ding. LPT sebetsana le dintlha tse kang puo ya ho ithuta le ho ruta dikolong tsa setjhaba, mananeo a thuto a sekolo le mesebetsi e mabapi le puo ya mafapha a diporovense a thuto le makgotla a tsamaiso ya dikolo.
Molao wa Motheo le melao e tshwanang le ona e sebeletsa ka ho hlaka ka kgothalletso ya dipuo tse ngata ka hara Afrika Borwa. Moralo ona wa leano o lokela ho sebeletsa ho kopanngwa ha leano la puo ka ho phethahala maemong ohle a mmuso le ho beha ka ho hlaka maemo a leano ka maemo le tshebediso ya puo tsa motswalla diporovenseng tsohle tse robong tsa Afrika Borwa.
Leano la puo le ela hloko dipehelo tsa molao wa motheo mabapi le dipuo tse ngata mme le sebetsa ho latela merero ya mmuso ya moruo, dipolotiki tsa setjhaba le kgolo thutong.
ho kgothaletsa tsamaiso e loketseng ya puo bakeng la tsamaiso ya ditshebeletso tsa setjhaba hore ho tle ho fihlellwe ditebello le ditlhoko tsa setjhaba.
ho eketsa tshekamelo ka bathong ha ho buuwa ka tse molemong, ditlhoko le ditebello tsa ho phatlalla le batho ba sebetsang ka puo ka ditherisano.
Ho kgothaletsa dipuo tse ngata tsa Afrika Borwa ho hloka diteko tse sa nyatseng tsebo e seng e le teng setjhabeng moo dipuo tsa semmuso tsa matswalla di leng ngata teng. Sena se tla tsamaiswa ka tshebediso le seabo sa setjhaba tshebetsong ya ntshetsopele ya puo.
Ho lebelletswe ho rerisana le ditsebi tsa puo ho thusa ntshetsopeleng ya mananeo a tshebediso ya puo tse ngata ka ho etsa diphuputso le ho ntshuwa ha tsebiso ka tsona.
Ho tsamaisa tshebedisano le karolelano ya boikarabelo pakeng tsa dinaha tseo e leng ditho tsa LNAB ho tla matlafatsa ntshetsopele ya puo.
Ho tla ba bohlokwa ho lekola botjha leano hore ho behwe leihlo kgatelopeleng e lebisang setjhabeng sa dipuo tse ngata ka ho phethahala.
Mokgwa wa ho sebetsa o thehilweng ka setjhaba ho phahamisweng ha dipuo tse ngata ke ntho e ka kgonehang ka ho fetisisa, ha ho shejwa hore Afrika Borwa ke naha ya batho ba bangata. Ho lokela ho ba mokgwatshebetso o phatlalladitsweng le o etsang hore moralo wa puo le ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo, ho kenyelletsang tsebo ya theknoloji ho fana ka tsebo le bokgoni ba mosebetsi.
Makala a mmuso ohle (naheng, porovenseng le mmusong wa lehae), ha mmoho le ditsheng tse nang le matla setjhabeng kapa tse nang le mosebetsi setjhabeng ho latela molao, di tlangwa ke Moralo ona wa Leano la Puo.
a tikoloho, ditlhoko tsa setjhaba le tse ka sehloohong ho sona, jwalo ka ha ho hlahella Molaong wa Motheo.
Mebuso ya mahae e tla kgetha puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba sa yona ka hara moralo wa leano la puo la provense o etsang hore ho be le kgonahalo e jwalo. Ha ho se ho kgethuwe puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba, mebuso ya mahae, ka puisano le setjhaba sa yona, e lokela ho ntshetsapele, ho phatlalatsa le ho kenya tshebetsong leano la dipuo tse ngata.
Dipuo tsa semmuso di tla sebediswa ho latela pehelo tsa molao, mererong yohle ya semmuso, ho kenyelletsa kgatiso ya dibuka tsa Hansard, e le ntlha ya tokelo: Ha feela ntlheng ya makgotla a ketsamolao a provense, mabaka ho latela tikoloho etsa hore ho kgethwe hore na ke (di)puo dife tse ka sebediswang.
Mmuso o tla kgothalletsa, mme moo ho hlokehang tshehetso, makala a poraefete ho ntshetsa pele le ho kenya tshebetsong maano a ona a puo a ntse a ikamahantse le moralo wa naha wa leano la puo.
(Di)puo tsa/ya tshebetso/ngodisitsweng: Ka tumellano, lekala ka leng la mmuso le lokela ho dumellana ka puo ya tshebetso (bakeng la bobedi puisano ka hare le ka ntle ho lefapha), ha feela moo ho kgonehang ho se na motho ya tlang ho thibelwa ho sebedisa puo ya hae kapa ya kgetho ya hae. Bakeng la ho ka tshwara dikopano kapa mesebetsi e itseng ka ho qolleha, ho lokela ho etswa matsapa ohle ho sebedisa mekgwa ya ho tsamaisa puo e kang phetolelo le/kapa ho toloka (bobedi ka tatellano le hanghang, ha mmoho le ho toloka ka ho nyenyetsa) moo ho ka kgonehang teng.
puisano le setjhaba: Bakeng la dikgokahano tsa semolao, puo ya kgetho ya moahi e lokela ho sebediswa. Puisanong ka molomo yohle e lokela ho etswa ka puo ya kgetho ya bamamedi bao ho buuwang le bona. Ha ho kgoneha, matsapa a lokela ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho kgonahatsa puo tse tshwanang le ho toloka (ho tlwaelehileng, hwa hanghang, ka fonofono kapa ho nyeyetsa) moo ho kgonehang.
Dikgatiso tsa mmuso: Lenaneo la dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela ho latelwa ke mafapha a naha a mmuso maemong ao e leng hore ha ho hlokehe kgatiso ka dipuo tsohle tse 11.
Moo e leng hore ho na le tshebetso e phethahetseng le e tsitsitseng mmusong maemong le ha e le afe, ho hlokeha phetiso ya tlhahisoleseding ka botlalo, e lokelang ho hatiswa ka dipuo tsohle tse 11 diprovenseng, ka dipuo tsohle tsa semmuso tse boletsweng.
Moo e leng hore ditokomane tsa mmuso ha di na ho ba teng ka dipuo tse 11 tsohle tsa semmuso, mafapha ohle a mmuso wa naha a lokela ho phatlalatsa ditokomane hanghang ka bonyane dipuo tse tsheletseng.
Molawana wa tshebetso ka ho potoloha o lokela ho sebediswa ha ho kgethwa dipuo tseo ho tlang ho hatiswa ditokomane tsa mmuso ka tsona dihlopheng tsa puo tsa Nguni le Sesotho.
Puisano boemong ba matjhaba: Puisano mmusong boemong ba matjhaba e tla etswa ka Senyesemane kapa nakwana, e tla etswa ka puo e kgethilweng ke naha e amehang.
toloka, haholoholo dipuong tsa motswalla. Tsebo e tebileng ya phetolelo dipuong tsena e tla lokela ho eketswa ka bobedi mafapheng a mmuso le boemong ba poraevete, k.h.r. ba batho ba itshebetsang puong jwalo ka bafetoledi, bahlophisi le ditoloko. Tlhokeho e eketsehileng ya ditshebeletso tsa basebetsi ba seprofeshenale ba puo e tla hloka kwetliso boemong bo hodimo bakeng la tsebo ya mosebetsi.
Ho thehwa ha diyuniti tsa puo lefapheng ka leng la mmuso le provenseng kang ho tla ba le kgahlamelo mesebetsing ya Ditshebeletso tsa Naha tsa Puo (DNP) ka bophara.
ya mesebetsi ya thero ya puo le tshehetso ya mananeo a diyuniti tsena. DNP e tla lokela ho boela e jara boikarabelo ba ho tsamaisa ntshetsopele ya mananeo a ntshetsopele bakeng la bafetoledi, bahlophisi le ditoloko, le ho theheng ditataiso tsa tshebetso dintlheng tse mabapi le boleng.
Dintlha tsa thuto ya tlotlontswe le tlotlontswe ka boyona le tsona di tla ameha. Keketseho mosebetsing wa ho fetolela e tla hloka ntshetsopele e eketsehileng ya tlotlontswe dipuong tsa semmuso le Banka ya Tlotlontswe ya Naha e fihlellehang ho bobedi mmuso le basebetsing ba itshebetsang ba puo.
Phihlello ya lekala la theknoloji ya puo ya batho (TPB) (mohlala ke phetholelo ka thuso ya motjhini, polokelo ya phetolelo, sesebediswa sa tlhahlobo ya mopeleto) bakeng la dipuo tsa motswalla e tla ba le karolo ya bohlokwahadi tshehetsong ya tsamaiso ya mesebetsi e mabapi le puo.
Ho kgethwa ha boholo ba diyuniti ho tla etswa mme kwetlisetso ya tsebo ya mosebetsi ntlheng ena e tla behwa ka sehlohlolong ka mora ho lekola lenane la dipuo tsa semmuso tse lokelang ho etswa. Diyuniti tse sebedisang batho ba bane kapa ho feta ba profeshenale, di tla hloka ditlereke.
Kaho ya bokgoni ba mosebetsi dibakeng tse hlwailweng tsa tsamaiso ya puo e tla etswa ka tshebedisano e matla le ba fanang ka ditshebeletso ba kang ditsha tsa thuto e phahameng tse fanang ka mananeo a ananelwang ke LDAB le dithuto tshebedisong ya puo, phetolelo le bohlophisi, ho toloka, thero ya puo, thuto ka tlotlontswe le thuto ka ho ngolwa ha bukantswe.
Ho kenngwa tshebetsong ho tswelang pele ha leano nakong e kgutshwane, bohareng le e telele ke lewa le ratwang maemong ohle.
Mabapi le kgatiso tsa mmuso, ho kenngwa tshebetsong ho tla etswa ho latela maemo le ka ho phethahala ke makala a mmuso bonyane nakong ya dilemo tse tharo. Molemo wa mokgwa wa ho a kenya tshebetsong hanyane ka hanyane ke hore mafapha a tla kgona ho eketsa ntshetsopele ya bokgoni ba mosebetsi le ho tsamaisa mosebetsi wa ho a kenya tshebetsong ka ho phethahala.
Makala a mmuso a tla ba le nako ya ho rala ditekanyetso tsa ona a ntse a di eketsa hanyane ka hanyane nakong ya MDNB le ho rala mekgwatshebetso ho latela mehlodi e hlokehang ho etsetsa katleho ho kenngweng ha leano tshebetsong.
Ho beha leihlo mekgwa ya ho netefatsa phetolelo e nang le boleng le ditshebeletso tsa bohlophisi di tla ntshetswapele.
Ka tshebedisano le LDTAB, Lefapha la Bonono le Setho di tla beha tshebetso leihlo mme di tla fana ka tlaleho nakong tse behuweng ho baokamedi ba loketseng.
Tekolobotjha ya leano e tla etswa kgafetsa mme dikgothalletso di etswe bakeng la ditokiso moo ho leng bohlokwa hore ditekanyetso di eketswe ka nepo.
Disebediswa tse hlokehang hore leano le tle le kenngwe tshebetsong.
puisano boemong ba matjhaba moo ho lokelang.
la Basebetsi ba Puo la Afrika Borwa, Ditshebeletso tsa Botoloki ka Mohala tsa Afrika Borwa (DBMAB), ntshetsopele ya mawa a dipuo tse neng di tinngwe menyetla pele le Leano la TPB.
taolo ya profeshene ya tsamaiso ya puo, e leng phetolelo, botoloki le tlotlontswe, ka ntlafatso le melao e loketseng.
tshehetso ya diteko le/kapa mananeo a ho ntlafatsa dipuo tsa motswalla tse neng di tinngwe menyetla, k.h.
tshehetso ya ho ithuta le ho ruta dipuo tsohle tsa semmuso mekatong yohle ya sekolo.
akaratsang ba phatlalatso ya dibuka ka puo eo.
ho ngola dingolweng.
maemo ao puo e sebediswang ho ona, k.h.r.
tse tlileng le melata.
moruo wa setjhaba.
molomo dipuong tsena.
tsa motswalla, bojalefa le PMAB.
puo ya batho ka mahlakoreng ohle, k.h.r.
Puo eo e leng ya sethatho ya naha.
tsela ya puo.
Ho ya ka seriti, dipuo tsohle di a lekana.
tsamaisong ya setjhaba le thutong.
tshebediso ya puo e itseng.
keke ya lekana ha kaalo.
itseng, ho latela tlhokeho (Turi, 1993:14-15).
di fihlella le diphetho.
ntshetsopele ya dipuo.
a tsona e tla ba afe.
etsang kgetho ya puo ho ona.
mabapi le puo.
tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe.
dibui tsa yona.
tinngweng menyetla Afrika Borwa.
hlahella kharikhulamong le leanong la puo.
baahi ba tikoloho e itseng kapa setjhaba.
dinyewe, thutong, kgwebong le masedinyaneng.
fetolelwang ho yona ka mokgwa wa ho ngola.
dibakeng tse ikgethang tsa tsebo.
<fn>STATS. MultilingualWordList.2010-11-09.st.txt</fn>
<fn>Sesotho 1st Add lang.txt</fn>
Tokomane ena ke tokomane ya leano mme e arotswe ka dikgaolo tse nne. Ho bohlokwa hore mmadi a hokele mmoho tlhahisoleseding e hlahang dikarolong tse fapaneng tsa tokomane ena. Dikahare tsa kgaolo e nngwe le e nngwe di hlaloswa mona ka tlase.
Kgaolo ena e hlalosa dintlhatheo le matshwao a moralo a Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). E fana ka selelekela sa kharikhulamo ho mmadi.
Kgaolo ena e nehelana ka tlhaloso, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi mmoho le Diphetho tsa ho ithuta tsa Lekala la Ho Ithuta la Dipuo. E atametsa mmadi dintlheng tse amang Dipuo.
Kgaolo ena e kenyeleditse Maemo a Tekanyetso a Sephetho sa ho Ithuta ka seng mmoho le dikahare le maemo a tse ithutwang a thuto ena. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka tsela e tataisang mobadi ho bona kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12. Ka hoo Maemo a Tekanyetso a adilwe maqepheng a mabedi ka tatellano. Qetellong ya kgaolo ho behilwe dikahare le maemo a tse ithutwang tse ka sebediswang ho ruta, ho ithuta le ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ena e nehelana ka tsela e akaretsang ya ho etsa tekanyetso e akanngwang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha. Qetellong ya kgaolo ho na le lenane la ditlhaloso tsa bokgoni tsa thuto ena. Lenane le hlahisa dikgato, sekala le ditlhaloso tsa bokgoni tsa kereite ka nngwe. Ditlhaloso tsa Bokgoni di hlophisitswe ka tsela e bontshang kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12.
Kananelo ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) e nehelana ka motheo wa diphetoho tsa kharikhulamo le kahobotjha mona Aforika Borwa.
aha Aforika Borwa e kopaneng le e itshetlehileng demokerasing, e kgonang ho ipeha boemong bo loketseng ba matjhaba jwalo ka mmuso o ikemetseng.
Molaotheo o boela o totobatsa hore "motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ntshetsa pele thuto, mme Mmuso o lokela ho etsa matsapa a hore thuto eo e fumanehe mothong e mong le e mong, ka tsela e kgonahalang le e ntshetsang pele".
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se beha motheo oo ka ona sena se ka fihlellwang, ka ho hlalosa Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekanyetso, mmoho le ho qaqisa metheo le makgabane tseo kharikhulamo e theilweng hodima tsona.
kananelo ya tsamaiso ya tsebo ya selehae le mahlale a kgale; le kamohelo, boleng le phethahatso.
Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) o bopa motheo oo ka ona phetoho phedisanong e tliswang setjhabeng ka mora nako ya kgethollo. Tlhokeho ya ho tlisa diphetoho setjhabeng sa Aforika Borwa ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng e bakwa haholo ke teko ya ho lokisa bosoro bo bakilweng ke puso ya kgethollo dikarolong tsohle tsa maphelo a batho, haholoholo thutong. Maikemisetso ka diphetoho ho tsa phedisano thutong ke ho netefatsa hore bosiyo ba tekatekano bo bileng teng thutong ka nako e fetileng bo a lokiswa, le ho hlahisa menyetla ya thuto dikarolong tsohle tsa setjhaba. Haeba diphetoho tsa phedisano di ka fihlellwa, baahi bohle ba Aforika Borwa ba lokelwa ho tiisetswa thutong ka ho elellwa bokgoni ba bona le ka ho tlosa ditshita tseo e leng tsa maiketsetso tse sitisang ho ka fihlella mangolo a thuto.
Thuto e theilweng diphethong ke motheo wa Kharikhulamo ya Aforika Borwa. Thuto e theilweng diphethong e tsitlallela ho neha baithuti bohle monyetla wa ho fihlella sehlohlolo sa bokgoni ba bona ba ho ka ithuta ka ho beha Diphetho tsa ho Ithuta tseo baithuti ba lokelang ho di fihlella qetellong ya ho ithuta ha bona. Thuto e theilweng diphethong e kgothaletsa mokgwakatamelo o itshetlehileng moithuting le hodima diketsahalo thutong. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se bopa Diphetho tsa ho Ithuta tsa dikereite tsa 10 - 12 tse theilweng Diphethong tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse kgothaleditsweng ke Molaotheo le tsamaiso ya demokerasi.
sebedisa mahlale le thekenoloji ka bokgoni le ho bontsha ka tshwanelo boikarabelo tikolohong le bophelong bo botle ba batho ba bang; le ho bontsha kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka diketsahalo tse nang le kgokahano, ka ho elellwa hore tharollo ya bothata ha e tadingwe e le nngwe feela jwalo ka karolo ya setho se feletseng sa mmele.
utulla menyetla ya thuto le ya mesebetsi; le ho ntshetsa pele menyetla bothehing ba dikgwebo.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho bopa tsebo le bokgoni tse maemong a phahameng tsa baithuti. E theha ditebello tseo baithuti ba Aforika Borwa ba lokelang ho di fihlella. Toka ho tsa phedisano e hloka hore dikarolo tse ding tsa setjhaba tse neng di fokodiswa ka ho hanelwa ka tsebo le bokgoni di matlafatswe. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se totobatsa boemo ba tsebo le bokgoni tseo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme se beha le ho etsa dipehelo tse boemong bo hodimo tse lokelang ho fihlellwa dithutong tsohle.
Nyalanyo e fihlellwa dithutong tsohle le ditikolohong tsa ho ithuta. Nyalano ya tsebo le bokgoni ho habahanya le dithuto le tikoloho ya mosebetsi di hlokolosi ho fihlella boitshupo ba bokgoni ba tshebetso jwalo ka ha bo hlaloswa ka hara Moralo wa Mangolo a Thuto. Tshebediso ya bokgoni e reretswe ho ka nyalanya mefuta e meraro e ikgethang ya bokgoni, e leng, tshebetso ya matsoho, bokgoni ba motheo le ba ho nahana. Ha ho tliswa nyalano le bokgoni ba tshebediso ya ditho tsa mmele, Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho ntshetsa pele mokgwakatamelo wa ho ithuta ka ho nyalanya tsebo ya hore ntho e etswa jwang, tsebo ya ho etsa ntho ka matsoho mmoho le bokgoni ba ho nahana.
Kgatelopele e bolela tshebetso ya ho bopa le ho ntshetsa pele tsebo e tswetseng pele le e raraheneng ka ho phethahala mmoho le bokgoni. Ditatemente tsa Dithuto di bontsha kgatelopele e teng ho tloha kereiteng e nngwe ho ya ho e nngwe. Sephetho sa ho Ithuta se seng le se seng se latelwa ke tlhaloso e hlakileng ya phihlello ya bokgoni bo lebeletsweng sephethong ka seng. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka sebopeho se bontshang dikgato tse supang kgolo e tswelang pele ya bokgoni bo lebelletsweng kereiting e nngwe le e nngwe. Dikahare le maemo a tse ithutwang tsa kereite ka nngwe le tsona di tla bontsha kgolo ho tloha ho tse bonolo ho isa ho tse rarahaneng.
Ka kamano ho bolelwa kgokahano e teng dipakeng tsa mangolo a thuto a dikgatong kapa mekgahlelong e fapaneng e teng Moralong wa Mangolo a Thuto a Naha e nehelanang ka kamohelo mangolong a mang a thuto. Sena se bohlokwa haholo ha ho tluwa mangolong a thuto a welang lekaleng le le leng la thuto. Ka ha mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o tsepetswe dipakeng tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, ho bohlokwa hore Lengolo la mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) le amanngwe le Lengolo la Thuto le Thupello e Akaretsang, le mangolo a thuto a welang makaleng a tshwanang a Thuto e Phahameng. Hore ho tle ho kgonahale ho fihlella kamano ena, popo ya Setatemente sa Thuto se seng le se seng e kenyeleditse tekolo ya ditlhoko e lebelletsweng qetellong ya Dikolo tsa ho Ithuta tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang, le seo ho nkuwang hore se lokelwa ho ithutwa sethatong sa kgato ya ho kena dithutong tse nang le kamano tsa mokgahlelo wa Thuto e Phahameng.
Thwaleho e bolela kgonahalo ya ho ka fetisetsa dikarolwana tsa mangolo a thuto tse itseng (dithuto kapa karolwana feela) ho mangolo a mang a sele ha feela di wela lekaleng la ho ithuta le le leng la mokgahlelo wa Moralo wa Mangolo a Thuto. Mekgwa e fapaneng ya ho bebofatsa phetolelo ya dithuto tse ka fihlellwang dikereiting tsa 10 - 12 e sebedisitswe, thuto e lekanngwa le Maemo a Tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse 20. Dithuto tse akaretswang tlasa Setatemente sa Kharikhulumo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di bapisitswe le dikarolwana tsa maemo a tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse tshwanetseng tse ngodisitsweng Moralong wa Mangolo a Thuto. Ditokelo tsa botho, kenyeletso ya bohle, toka ho tsa tikoloho le ho tsa phedisano.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se leka ho ntshetsa pele ditokelo tsa botho, toka ho tsa phedisano le ho tsa tikoloho. Ditatemente tsa dithuto tsohle tse ntjha di ahelletse ka hare ho tsona metheo le mekgwatshebetso e kenyeleditseng toka ho tsa phedisano le tikoloho mmoho le ditokelo tsa botho jwalo ka ha di hlalositswe Molaotheong wa Repaboliki ya Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se batla se le sedi haholo dintlheng tse amanang le phapano, tse jwalo ka bofutsana, tlhokeho ya tekatekano, semorabe, kgethollo ya bong, puo, boholo (dilemo), ho se itekanele le dintlha tse ding.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se kgetha ho nka mokgwakatamelo o kenyeletsang tsohle ka ho qolla ditlhoko tse tlasetlase tseo baithuti bohle ba lokelang ho di fihlella. Se ananela ntlha ya hore baithuti bohle ba lokela ho nehwa monyetla wa ho ntlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni bohle ba bona ha feela ba fumantshwa tshehetso yohle. Ditlhoko tsa moithuti tsa kelello, tsa phedisano, tsa maikutlo, tsa semoya, le tsa mmele di elwa hloko ha ho ralwa le ho bopa Lenanetsamaiso la ho Ithuta le ka tshebediso e loketseng ya disebediswa tsa ho lekanyetsa.
Ka dilemo tsa bo 1960 kgopolo ya 'bokgoni ba mahlale a mekga e mengata' e ile ya tlama ditsebi tsa thuto ho elellwa hore ho ne ho na le ditsela tse ngata tsa ho sekasekana le tlhahisoleseding, e le ho hlahisa dintlha le ho etsa moelelo wa lefatshe, mme hoo, haeba motho o lokela ho hlalosa bohlale botjha, mekgwakatamelo ena e lokelwa ho nkelwa hloohong. Ho fihlela nakong eo, Lefatshe la Bophiremela le ne le ananela, jwalo ka bohlale bo amohelehileng, tlhahlamano ya dikgopolo, tsebo ya dipalo le bokgoni ba puo, mme batho ba ne ba nkuwa hore ba 'bohlale' ha feela ba ne ba itshupa ka tsela ena. Nakong ya jwale batho ba ananela ditsela tse batsi tse fapaneng tsa tsebo tseo ka tsona batho ba etsang moelelo le ho bona bohlokwa, le ho amahanya sena le lefatshe leo ba phelang ho lona ka tsona. Moelelo wa tsamaiso ya tsebo le lehae le mahlale a kgale mona Aforika Borwa o hlalosa pokello ya tsebo e fuperweng ka hara mohopolo le ditumelo tsa seAforika wa kutlwisiso ya bophelo mmoho le ditsela tsa ho etsa dintho o ile wa fetofetoha ka nako ya dilemo tse balwang ka dikete. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 -- 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se hlahisitswe ka tsela e kenyeletsang tsamaiso ya tsebo ya lehae le mahlale a kgale Ditatementeng tsa Thuto. Se ananela nalane le lefa la naha ena mmoho le seabo sa yona jwalo ka e meng ya mehlodi ya diphetoho ho thusa ho bopa makgabane a kenyeleditsweng ka hara Molaotheo. Ho lekilwe ka hohlehohle ho kenyeletsa ditjhadimo tse fapaneng ho thusa ho fumana tharollo ditikolohong tsohle tsa ho ithuta.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho amoheleha ho latela lenane la diphetoho le ka nehelanang ka thuto e ka bapiswang ka boleng, bophara le botebo le ya dinaha tse ding. Tiisetso ya boleng e lokela ho laolwa ho ya ka ditlhoko tse behilweng ke Molao wa Lekgotla la Bolaodi ba Mangolo a Thuto la Aforika Borwa (Molao wa 58 wa 1995), Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng ba Thuto le Thupello, le Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng wa Mekgahlelo ya Thuto le Thupello e Akaretsang le wa e Tswellang (wa 2001).
Mofuta wa moithuti ya lebelletsweng ke ya tla bodulelwa moya ka tsa boiphediso/makgabane, mme o tla etsa tsohle molemong wa setjhaba a itshetlehile hodima tlhompho ya demokerasi, tekatekano, seriti sa botho, mmoho le toka ho tsa phedisano jwalo ka ha ho hlaloswa Molaotheong.
Moithuti ya tla hlahiswa ke mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o lokela ho bontsha phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse seng di hlalositswe pejana qalehong ya tokomane ena. Dithuto tse welang Mokgeng wa tse Tlamang kaofela di ntshetsa pele phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele, ha dithuto tse itseng tse welang Mokgahlelong wa tse Ntshetsang pele tsona ka bonngwe di thusa phihlellong ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse itseng.
kgona ho fetisetsa bokgoni ba hae ho tloha maemong a tlwaelehileng ho isa ho a sa tlwaelehang.
Matitjhere le bohle ba nang le kamano ho tsa thuto ba na le seabo sa bohlokwa diphetohong tse etswang thutong Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se labalabela matitjhere a nang le mangolo a hodimo a thuto, a nang le bokgoni, a nang le maikemisetso, mme a tsotellang. A tla kgona ho phethatsa dikarolo tse fapaneng tsa boikarabelo bo hlalositsweng bukaneng ya Melawana le Maemo a Tshebetso ya Bohle ba amanang le Thuto. E kenyeletsa ho ba motataisi thutong, ya hlalosang, le ya ralang lenanetsamaiso la thuto mmoho le dithusathuto tse ding; baetellipele, bahlophisi ba tsamaiso le balaodi; baetsadipatlisiso le baithuti ba ka nako tsohle; ditho tsa setjhaba; baahi le baruti, balekodi; mmoho le ditsebi tsa dithuto tse itseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se bopilwe ka tokomane ya Tjhebokakaretso, Moralo wa Leano la Mangolo a Thuto la Maemo a Tekanyetso, le Ditatemente tsa Dithuto.
Dithuto tse akaretswang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di arotswe ho ya ka Makala a ho Ithuta.
Tikoloho ya ho ithuta ke eng?
Tikoloho ya ho ithuta ke mokga o sebetsang jwalo ka pokello ya dithuto tse nang le kamano e itseng, e bebofatsang ketso ya melawana e isang pokellong e jwalo Lengolong la Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ho arolwa ha Ditikoloho tsa ho Ithuta dikereiteng tsa 10 - 12 ho fadimehetse ntlha ya thwaleho mabapi le mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, mmoho le morero wa tlhophiso wa dinaha tse ding.
Le hoja popo ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se qadilwe ka makala a tlhophiso a leshome le metso e mmedi a Moralo wa Mangolo a Thuto a Naha jwalo ka motheo, ho lokelwa ho toboketswe hore makalago a tlhophiso a leshome le metso e mmedi ha se Ditikoloho tsa ho Ithuta kapa 'tsebo', empa a mpa a hoketswe le mekga e fapaneng ya makala a mesebetsi.
Thuto ke eng?
Thuto ha e sa le e hlaloswa, ho tloha kgale, e le pokello ya 'tsebo' e itseng ho tsa ho ithuta. Tsebo ena e ne e etsa toboketso e seng kae hodima bokgoni, tsa boitshwaro setjhabeng le maikutlo kapa tjhadimo. Hape di ne di sehetswe meedi e thata dipakeng tsa tsona. Hangata dithuto di ne di toboketsa seabo sa tsebo se hlahang Bophiremela.
(Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) meedi ya dithuto e lerotho. Tsebo e hokahantswe le seo e leng kgopolo ya ho etsa, bokgoni le tsa makgabane boitshwarong. Dithuto di tadingwa di na le sebopeho sa ho fetofetoha, mme di bile di hlohleletswa ke tsebo e ntjha e batsi, ho kenyeleditswe tsebo eo ka tlwaelo e sa le e qheletswe ka thoko kharikhulamong.
Ho ya ka kharikhulamu e theilweng diphethong, thuto e hlaloswa ka tsela e batsi ka Diphetho tsa ho Ithuta, e seng feela ka pokello ya se rutwang/dikahare. Ho ya ka moelelo wa mona Aforika Borwa, Diphetho tsa ho Ithuta di lokela, ho ya ka moo di radilweng ka teng, ho re tataisa ho fihlella Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele. Diphetho tsa ho Ithuta di hlaloswa ka tsela e batsi, mme di bonolo le ho fetofetoha, mme di nehelana ka sebaka sa ho kenyeletsa tsebo ya lehae.
Sephetho sa ho Ithuta ke eng?
Sephetho sa ho Ithuta ke setatemente se hlalosang sephetho sa maikemisetso a ho ithuta le ho ruta. Se hlalosa tsebo, bokgoni le tsa boitshwaro/makgabane ao baithuti ba lokelang ho a fihlella ha ba fihla qetellong ya Mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang.
Maemo a Tekanyetso ke eng?
Maemo a Tekanyetso ke tsela e akaretsang eo ho nehelanwang ka bopaki bo supang seo moithuti a se tsebang le ho kgona ho ka se etsa e le pontsho ya phihlello ya hae ya Sephetho sa ho Ithuta kereiting tse itseng. Maemo a Tekanyetso a fupere tsebo, bokgoni le tsa boitshwaro/makgabane a hlokehang ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Maemo a Tekanyetso Sephethong sa ho Ithuta ka seng a bontsha ka ho akaretsa kgolo e etsahalang kelellong ho tloha kereiting e nngwe ho ya ho e nngwe.
Kgaolo ya 1, Tlhahiso ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha: Kgaolo ena e akaretsang e hlalosa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Lekala la ho Ithuta la kakaretso).
Kgaolo ya 2, Tsebiso ya Lekala la ho Ithuta la Dipuo: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa sehlooho tsa thuto. E bopilwe ka tlhaloso ya thuto, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi e fapaneng, mmoho le Diphetho tsa ho Ithuta.
Kgaolo ya 3, Diphetho tsa ho Ithuta, Maemo a Tekanyetso, Dikahare le Maemo a tse ithutwang: Kgaolo ena e fupere Diphetho tsa ho ithuta tse tsamaisanang le Maemo a Tekanyetso a tsona, mmoho le dikahare le Maemo a tse ithutwang ka sepheo sa ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ya 4, Tekanyetso: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa motheo tseo tekanyetso e itshetlehileng hodima tsona, mme e nehelana ka ditlhahiso mabapi le ho rekota le ho etsa tlaleho ka Tekanyetso. Hape e nehelana ka lenane la ditlhaloso tsa bokgoni thutong.
Lenanetlhaloso la mantswe: Moo ho kgonahalang, ho hlalositswe ka bokgutshwane lenane la mantswe a itseng hammoho le mantswe a ikgethileng thutong.
Lenanetsamaiso la ho ithuta le hlalosa ka ho kgetheha tekanyo ya ho ithuta le tekanyetso ya dikereite tse tharo tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang. Ke moralo o netefatsang hore baithuti ba ipapisa le Diphetho tsa ho ithuta jwalo ka ha di beilwe maemong a Tekanyetso kereiting e itseng. Tataiso tsa Lenanetsamaiso la ho Ithuta di thusa matitjhere le bahlahisi ba bang ba mananetsamaiso ha ho lokisetswa le ho ralwa ho ithuta ho nang le boleng, ho ruta le mananetsamaiso a tekanyetso.
Puo ke sesebediswa seo ka sona re buisanang le ho hlahisa mehopolo ya rona ka yona. Ka puo re kgona ho hodisa le ho totobatsa ditso le dikamano tsa rona tsa ho phela tse fapaneng. Ho ithuta ho sebedisa puo ka nepahalo ho neha baithuti bokgoni ba ho nahana le ho amohela tsebo, ho itsebahatsa le ho utlwahatsa maikutlo le mehopolo ya bona esita le ho phedisana mmoho le ba bang, ho feta moo le ho tsamaisa maphelo a bona ka tshwanelo lefatsheng leo ba phelang ho lona.
Ho ya ka phapano ya ditso le ya dipuo tse teng Aforika Borwa, baahi ba naha ena ba kgothaletswa ho ithuta le ho buisana ka dipuo tse buuwang ka hara naha ho hlohlelletsa mamellano le kutlwisiso le tlhompho ya ditso le dipuo tse fapaneng. Phapano e teng dipuong tsa Aforika Borwa e amohetswe le ho tlotlwa Molaotheong wa naha ka ho amohela dipuo tsa semmuso tse 11 le Leanong la Puo Thutong la ho tseba dipuo tse ngata. Baithuti ba tlameha ho kenyeletsa bonyane dipuo tse pedi mokgeng wa dithuto tse Tlamang mme dipuo tse ding di ka kgethwa ho tswa mokgeng wa dithuto tsa Motheo le/kapa ho tsa Boikgethelo.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, tsebo e tebileng ya puo ya lapeng ya baithuti e a hodiswa le ho ntshetswa pele, mme e ba neha motheo o tiileng wa ho ka ithuta puo tse ding tseo e seng tsa lapeng. Ha baithuti ba fihla kereiting ya 10, ho ka etsahala hore ba tla be ba se ba ile ba utulla le ho ba le boiphihlelo bo itseng ba dipuo tsa tlatsetso, mme ba bang ba bona ba tla be ba se ba ile ba sebedisa puo ya tlatsetso ho ka ithuta. Kharikhulamo ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang e neha baithuti menyetla ya ho matlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni ba dipuo tse ngata. Ha baithuti ba ntse ba nyoloha le dikereite, ho hlokeha hore ba sebedise puo ka tsela e bontshang boitsebelo ba ho ikutlwahatsa le nepahalo ya puo bo eketsehileng maemong a fapaneng. Ba lokela ho ba le boikarabelo ho ithuta le ho sebedisa bokgoni ba bona ba puo ka tsela e phepetsang le e rarahaneng.
Boitemohelo bo fapaneng bo a hlokeha ba ho ba le seabo setjhabeng, mosebetsing mmoho le moruong wa lefatshe ka bophara wa ngwahakgolo wa 21, bo atolohile haholo ebile ha bo sa kenyeletsa feela ho mamela, ho bua, ho bala, ho ngola le neheletsano/phethelo ya molomo tsa boholoholo. Bo se bo kenyeletsa boitemohelo ho tsa phatlalatso, tsa ditshwantsho, tsa tlhahisoleseding, dikhomputara, tsa setso, le boitemohelo ho tse sekasekang. Kharikhulamo ya Dipuo e lokisetsa baithuti diphepetso tseo ba tla shebana le tsona jwalo ka baahi ba Aforika Borwa le ditho tsa moruo wa lefatshe le setjhaba ka bophara ba lefatshe.
Ho atolosa le ho matlafatsa ka botebo bokgoni bo tebileng ba puo bo theilweng mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, ho kenyeleditswe bokgoni ba puo bo sa bonweng ka mahlo, empa bo hlokehang ho ithuta ho tloha sehlopheng se seng ho isa ho se seng, mmoho le kananelo ya botle dingolweng le ho natefelwa ke dingolwa, e le hore baithuti ba kgone ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ka boitshepo. Bokgoni le mokgwa ona wa ho tadima ditaba di bopa motheo wa ho ithuta ka dinako tsohle.
Ho sebedisa puo maemong a bophelo ka tshwanelo ho nketswe hloohong basebedisi ba bang ba puo, maikemisetso le maemong ao/boemong boo ho rutwang ntlha e itseng ka bona.
Ho ikutlwahatsa le ho tiisa mehopolo, le dikgopolokutlwisiso le maikutlo ka boitshepo e le hore ba be le boikemelo le hore e be batho ba kgonang ho nahana ka tsela e batsi.
Ho sebedisa puo le monahano ho bontsha le ho sibolla boiphihlelo ba botho. Ka ho sebetsana le ditema tsa boiqapelo, baithuti ba kgona ho bontsha tsela eo ba phelang ka yona le boiphihlelo ba bona esita le ho lekola botjha maikutlo a mang a lefatshe.
Ho sebedisa puo ho fihlella le ho laola tlhahisoleseding ho ithuta dithuto tse ding ka ho fapapana ka ditsela tse batsi maemong a ho ithuta. Boitemohelo tlhahisoleseding ke bokgoni ba bohlokwa 'mehleng ena ya tlhahisoleseding', mme bokgoni bona ke tshiya ya ho ithuta ka nako tsohle.
Ho sebedisa puo e le sesebediswa sa ho nahana le ho tadima ditaba ka tshekatsheko. Maikemisetso ana a bontsha le ho ananela hore tsebo e botjwa ke setjhaba ka puo le phedisano le hore puo le momahano di tsamaisana mmoho.
Ho utlwahatsa mehopolo e tiisitsweng ho tsa boitshwaro le kamano setjhabeng. Ho ka hodisa le ho ntshetsa pele tsela ya boitshwaro baithuting, baithuti ba lokela ho sebetsana le ditema tse amanang le ditokelo tsa botho, hara tsona tse kang ditokelo tsa bana, tsa basadi, ba sa itekanelang, ba tsofetseng le dintlha tse amang semorabe, setso, tumelo e theilweng hodima monahano, tlhophiso ya batho ho ya ka maemo a bona, tumelo, bong, lefu la LKB le KHM, ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi le thibelo ya diphatlalatso mmoho le tsa tikoloho.
Ho lekola ka tshekatsheko ditema tse fapaneng. Baithuti ba tla elellwa mme ba kgone ho phepetsa mehopolo, makgabane le dikamano tse itshetlehileng matleng a itseng tse fuperweng mefuteng ya ditema.
Ho elellwa ho se lekalekane ho teng maemong a dipuo tse fapaneng le ditsela tse fapaneng tsa ho sebedisa dipuo. Baithuti ba tla kgona ho phepetsa puo le ha e le tshebediso ya mofuta wa puo efe kapa efe e iketsang mmampodi hara dipuo tse ding, mme ba kgone ho eteletsa le ho ntshetsa pele tokelo ya bona ya puo setjhabeng sena se dipuo di ngata.
Ho rutwa le ho etswa ha tekanyetso dipuong ho lokela ho nehelana ka sebaka baithuting bohle, mme mawa a lokela ho fumanwa ao ka ona baithuti bohle ba ka thuswang ho ka fihlella le ho hlahisa ditema puong. Ho ka etsahala hore ba bang ba baithuti ba nang le ditshita tse itseng tsa ho ithuta ba se kgone ho fihlella Maemo a Tekanyetso jwalo ka ha a hlahella tokomaneng ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha.
Mantswe ana 'hlalosa', 'tshehetsa', 'bolela', pheta hlalosa ka tsela e nngwe, a hao', 'bua', 'ere', 'buisana hlalosa', botsa' le 'qoqa' a lokela ho utlwisiswa ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya puisano ho sebediswa mantswe le moo ho sebediswang ditshwantsho, ho kenyeleditswe le puo e sebedisang matsoho esita le dithusapuo tse ding. Ka tsela e jwalo lentswe 'puo ya molomo' le kenyeletsa le puisano tse etswang ka matsoho le disebediswa tse thusang ka puisano.
Mantswe a kang 'mamela', 'sheba', 'bala', le 'boha', ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya kgokahano e kang ho utlwisisa se bolelwang ka ho tadima ka moo motho ya buang a tsamaisang dipounama ka teng le ho tadima puo ya matsoho.
Baithuti ba nang le tshita ya ho bona ba ka hloka disebediswa le dibuka tse ka nkang sebopeho sa mongolo wa Braille, disebediswa tse kang dithaeperekoto, mongolo wa ditlhaku tse kgolo, disebediswa le ditshwantsho tse ka balwang ka ho thetswa. Mohopolo wa 'ho bonahatsa' o ka hlaloswa kapa wa hlaloswa ka diketso. Ha ho 'balwa,' ho ka sebediswa mehlodi e kang Braille le dibuka tse buang.
Ditatemente tsa dithuto tsa Puo ya Lapeng, tsa ya Tlatsetso ya Pele le tsa ya Tlatsetso ya Bobedi di ka fetolelwa dipuong tse ding tsa matjhaba tse dumeletsweng, mme dipuo tseo di ka rutwa tlasa Dithuto tse Hlokolosi kapa tsa Boikgethelo mekgeng ya Kharikhulamo.
Puo ya Lapeng: Puo ya Lapeng ya baithuti e lokela ho matlafatswa le ho ntshetswa pele ho nehelana ka motheo o matla tekong ya ho ithuta dipuo tse ding tsa tlatsetso. Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, dipuo tsa semmuso tsa Aforika Borwa di na le Diphetho tsa ho Ithuta tsa Puo ya Lapeng tsa boemo bo hodimo, tsa maemo a ka bapiswang le a botjhabatjhaba. Hona ho tsamaisana le dipehelo tsa molaotheo tse supang tekatekano ya dipuo tsohle tsa semmuso. Boemo ba kutlwisiso ba puo ya lapeng bo lokela hore bo be bo le moo puo ena e ka sebediswang jwalo ka Puo ya ho Ruta le ho Ithuta. Bokgoni ba ho mamela le ho bua bo boela bo ntshetswa pele le ho ntlafatswa, empa kgatello boemong bona e hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho bala le ho ngola ba baithuti.
Puo ya Tlatsetso ya Pele: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Pele ho ntshetsa pele tsebo ya dipuo tse ngata (botemengata) le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang.
Aforika Borwa. Hona ho kenyeletsa le bokgoni ba tshebediso ya puo bo kgopolong ba ho utlwisisa le ba ho ithuta, bo hlokehang ho nahana le ho ithuta. Sena se etsahala dipuong tsohle tsa semmuso. Ho tla ba le kgatello e lekanang hodima bokgoni ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola.
Puo ya Tlatsetso ya Bobedi: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Bobedi ho ntshetsa pele tsebo ya puo tse ngata (botemengata) mmoho le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang. Le ha bokgoni ba ho bala le ho ngola bo se bo ntsheditswe pele, boemong bona kgatello e lokela ho behwa hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho mamela le ho bua. Kgato eo Puo ya Tlatsetso ya Bobedi e leng ho yona ho lokela ho ntlafatsa bokgoni ba ho buisana.
Karolong ya Dithuto tse Tlamang ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang, baithuti bohle ba tlameha ho nka dipuo tsa semmuso tse pedi, e nngwe ya dipuo tseo e be Puo ya Lapeng ha e nngwe e lokela ho ba boemong ba Puo ya Tlatsetso ya Pele kapa ba Puo ya Lapeng. E nngwe ya dipuo tsena e tlameha ho ba Puo ya ho ithuta le ho ruta. Mekgeng ya dithuto tseTlamang le ho tsa Boikgethelo, puo tsa semmuso di ka nkuwa e le Puo ya Lapeng, Puo ya Tlatsetso ya Pele le/kapa e le Puo ya Tlatsetso ya Bobedi baithuting ba nang le thahasello e ikgethang dipuong le ntshetsong pele ya botemengata.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, dipuo di etswa tlasa Lekala la ho ithuta la Dipuo, Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, Lekala la ho ithuta la Dipuo le hokanngwa le lekala la tlhophiso la Lekgotla la Taolo ya Borutehi la Aforika Borwa: Dithuto tsa Kgokahano le Dipuo.
bokgoni ba puo ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ke metheo ya ntshetso pele ya Diphetho tsa ho Ithuta; le tshebediso ya mefuta e batsi ya ditema e neha baithuti menyetla ya ho batlisisa dintlha tse ba amang, tse amang naha ya bo bona esita le tse amang lefatshe ka bophara le ho bopa tsebo e holang ya lefatshe.
Ho ithuta dipuo ho lebisa mesebetsing e amanang le dipuo haholo, jwalo ka boqolotsi ba ditaba, phetholelo ya dipuo, ho ruta dipuo, ho phatlalatsa le ho bapatsa, boemedi ba naha naheng e nngwe, jwalojwalo. Le ha ho le jwalo, ho totobetse hore dipuo ke tsona motheo wa ho ithuta, e seng feela bophelong ba ka mehla empa esita le dibakeng tsa tshebetso. Ntshetso pele ho tsa kgwebo ho itshetlehile haholo hodima bokgoni ba puo ba moithuti. Ho kena ha moithuti lefatsheng lena la thekenoloji e hodimo ya kajeno, ho laolwa ke boiphihlelo ba hae ba puo. Puo ke thuto eo e leng motjha o lebisang ho kgetheng seo moithuti a lakatsang ho ba sona, mme haeba e rutwa ka bofokodi e ba le tshita e kgolo kgethong ya seo moithuti a lakatsang ho ba sona hamorao.
Litheresi ke motheo wa ho kgona ho phetha mesebetsi ya letsatsi le letsatsi, mme e na le seabo bokgoning ba moithuti ho tsa bophelo, e leng a se hlokang bophelong ba lefatshe. Puo ke sesebediswa se ka nolofaletsang moithuti maemo a dikamano tsa hae le batho sebakeng se haufi le yena setjhabeng, mme mokgwa oo ho sebetsanwang le puo ka ona o laola katleho kapa ho hloleha ha dikamano dipakeng tsa batho.
Tekanyo le maikemisetso tse hlalositsweng ka hodimo di tlamahantswe hammoho ho hlahisa Diphetho tsa ho ithuta tse nne. Le ha di ngotswe di arohantswe, di lokela ho nyalanngwa ha di rutwa le ha ho lekanyetswa.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba le maemo a fapaneng.
Baithuti ba utlwisisa hore ho bua le ho mamela ke ketsahalo tsa phedisano tse etsahalang maemong a itseng le ka maikemisetso a fapaneng esita le ho baamohedi ba ditaba le hore mefuta ya neanotaba ya molomo mmoho le puo e sebediswang maemong a itseng, di fapana ho ya ka maemo. Ba elellwa le ho sebedisa mefuta ya neanotaba ya molomo le puo ya maemo a itseng maemong ao e leng a semolao le ho ao e seng a semolao.
Ho mamela le ho bua ke tshiya e matla ya ho ithuta dithuto tsohle. Ka ho mamela le ho sebedisa mawa a ho bua ka hloko, baithuti ba kgona ho bokella le ho kopanya tsebo, mme ba kgone ho ikahela boitsebelo, ba rarolle mathata, le ho ka tseba ho hlahisa mehopolo le maikutlo a bona ka bokgoni. Ho mamela ka hloko le ka tshekatsheko ho neha baithuti bokgoni ba ho elellwa makgabane le tjhebo ya ditaba, tse patehileng ka hara mefuta ya ditema esita le bokgoni ba ho phepetsa puo e kgethang lehlakore mmoho le e hlohleletsang.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
Bokgoni bo theilweng hantle ba ho bala le ho boha ke tshiya ya ho ithuta dithuto tsohle ka katleho, esita le ho ba le seabo se phethahetseng setjhabeng le dibakeng tsa tshebetso. Baithuti ba bopa le ho hodisa bokgoni ba ho bala le ho boha mefuta ya dingolwa tsa boiqapelo le tse sa ngolwang, ho kenyeleditswe ditema tse tadingwang feela ho iphumanela tlhahisoleseding. Baithuti ba elellwa ka moo mefuta ya dingolwa le tshebediso e tshwanetseng ya puo di totobatsang maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo a ditema ka teng.
Baithuti ba sebedisa maano a fapaneng a ho bala le ho boha ho itshetlehuwe haholo hodima sepheo sa bona sa ho bala mmoho le mofuta wa tema eo ba e balang. Ba hlahisa le ho totobatsa mefuta ya ditema, ba hlwaya tsa boitshwaro setjhabeng le dikakanyo, mme ba araba ka tshekatsheko. Ka ho bala le ho boha, baithuti ba batlisisa le ho bontsha dikamano le phedisano dipakeng tsa bona le diphedi tse ding. Ho bala dingolwa tsa boiqapelo ho neha baithuti malebela a hore le bona ba ngole.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka maikemisetso a batsi a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
Ho ngola ke sesebediswa se matla sa puisano se dumellang moithuti ho ka bopa mehopolo le ho hlahisa maikutlo a hae ka tsela e hokahaneng. Tlwaelo ya ho ngola e etswang kgafetsa, mme e etswa maemong le meelelong e fapafapaneng ka mesebetsi e itshetlehileng hodima dihlopha tsa dithuto tse fapaneng, e neha baithuti bokgoni ba ho ikutlwahatsa ka tshwanelo le ka boiqapelo. Morero ke ho hlahisa mongodi ya kgonang ho ka ngola ka sena le sane. Ya sebedisang bokgoni ba hae ho hlahisa ditema tse ngotsweng ka maikemisetso a fapaneng, ho kenyeleditswe tse bonwang le ho ya ka mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Ka ho sebetsana le mefuta e fapaneng ya ditema, baithuti ba eketsa le ho atolosa tsebo le tshebediso ya bona ya tlotlontswe, mmoho le ho kenya tshebetsong kutlwisiso ya dibopeho tsa puo ka tshwanelo le ka nepahalo. Ba ba le boitemohelo bo hlokolosi ba ka moo makgabane le matla a maemo tse kenyeleditsweng puong, le hore puo e ka ba le tshusumetso e jwang bathong ba bang.
ba ditaba le maemo a fapaneng.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka ho latela ditsela tsa tsamaiso tse maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba nepahetseng; ditaba le maemo a fapaneng.
tsamaisa dipuisano tse otlolohileng ka tsela ya ho botsa dipotso le ho etsa tlaleho moo ho lokelang.
kenyeletsa disebediswa tse nepahetseng tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, ditshwantsho, diselaete; mmino, modumo le disebediswa tsa elektoroniki.
sebedisa bokgoni ba ho buisana ka tsela ya ho botsa dipotso le ho etsa tlaleho hodima tseo ba iphumanetseng tsona moo ho lokelang.
kenyeletsa sebediswa tse nepahetseng tse bohuwang, tsemamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, diselaete, ditshwantsho, mmino, modumo le disebediswa tsa elektoroniki.
sebedisa bokgoni ba ho buisana ka tsela ya botsa dipotso le ho etsa tlaleho hodima tseo ba iphumanetseng tsona moo ho hlokahalang teng.
kenyeletsa sebediswa tse nepahetseng tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, diselaete, ditshwantsho, mmino, modumo le disebediswa tsa elektoroniki.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka boikutlwahatso: maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba sebedisa dibetsa tsa bokgabo le bonono tse ditaba le maemo a fapaneng.
mamela ka tshetshefo le ho araba dipotso tse hlokang tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho araba dipotso tse hlokang tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho araba dipotso tse hlokang tlhakisetso.
bontsha temoho e hlokolosi ya tshebediso ya puo maemong a dipuisano tsa molomo: Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka sebedisa setaele le rejistara tse tsamaelanang maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba le maikemisetso, baamohedi ba ditaba le ditaba le maemo a fapaneng.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e fehlang maikutlo le e nang le tshutsumetso, e leeme, e nang le tshekamelo, e tadimang dintho ka lehlakore le le leng jwalo ka poropaganda le dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e fehlang maikutlo le e nang le tshusumetso, e leeme, e nang le tshekamelo le e tadimang dintho ka lehlakore le le leng jwalo ka poropaganda le dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e fehlang maikutlo le e nang le tshusumetso, e leeme, e nang le tshekamelo le ho tadima dintho ka lehlakore le le leng jwalo poropaganda le dipapatso.
le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi mmoho le ho botsa dipotso e le ho ka etsa dikakanyo tsearabela mefuta e batsi ya ditema.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho matlafatsa kutlwisiso.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho matlafatsa kutlwisiso.
Moithuti o kgona ho bala le boha ka kutlwisiso le bohuwang, tse mamelwang, le tse mamelwang le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi mmoho le ho ho bohuwa hong: arabela mefuta e batsi ya ditema.
Moithuti o kgona ho bala le boha ka kutlwisiso esita fihlela moelelo ditemeng tse tlwaelehileng e le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi mmoho le ho bile di tshwantshisitswe; arabela mefuta e batsi ya ditema.
nehelana le ho tshehetsa dikarabelo tsa hae ditemeng.
elellwa kamoo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang ka teng ditemeng.
nehelana le ho tiisa dikarabelo tsa hae ditemeng.
elellwa le ho hlalosa kamoo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang ka teng ditemeng.
nehelana le ho tiisa dikarabelo tsa hae ditemeng ka ho itshepa.
elellwa le ho hlalosa kamoo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang le tsela eo di amang moelolo ka teng ditemeng.
utulla dibopeho tsa sehlooho tsa ditema le ho hlalosa kamoo di phehisang tlhahisohong ya Moithuti o kgona ho bala le boha ka kutlwisiso esita moelelo (dintlha tsena di se sebetswe ka le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi mmoho le ho bonngwe): arabela mefuta e batsi ya ditema.
hlwaya le ho hlalosa tshusumetso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta wa mongolo o itseng le boholo, dihlooho le di hloohwana ditemeng, ka thuso e itseng.
hlwaya le ho hlalosa tshusumetso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta wa mongolo o itseng le boholo, dihlooho le di hloohwana ditemeng, ka thuso e itseng.
hlwaya le ho hlalosa tshusumetso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta wa mongolo o itseng le boholo, dihlooho le di hloohwana ditemeng, ka thuso e itseng.
fihlella moelelo wa maikutlo a temana/sengolwa, nako, sephetho se sa lebellwang, le qetello.
Moithuti o kgona ho bala le boha ka kutlwisiso esita karaburetso, tshebediso ya modumo di amang maikutlo, moelelo le mokotaba ka le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi mmoho le ho teng;arabela mefuta e batsi e ya ditema.
elellwa tshebediso ya sebopeho sa diketsahalo le ditlhophiso tsa kalaneng.
elellwa tshebediso ya thekeniki ya tse bohuwang, tse mamelwang le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse jwalo ka tshebediso ya mebala, ya puisano, ya mmino, ya medumo, ya tshebediso ya mabone, ya bohlophisi, ya ho foreima, ya setaele sa ho nka setshwantsho, dithekiniki tsa tshebediso ya khamera, qatsohiso ya tulo ya setshwantsho ka pele kapa ka morao.
elellwa kamoo molathothokiso, temanathothokiso, morumo, morethetho, metuta ya diphetapheto le matshwao a puo di bopang moelelo ka teng.
hlalosa tshusumetso ya tshebediso ya thekeniki tsa ditema tse bohuwang tse mamelwang, tse mamelwang le bobohuwa hong tse jwalo ka tshebediso ya mebala, ya puisano, ya mmino, ya medumo, ya tshebediso ya mabone, ya bohlophisi, ya ho foreima, ya setaele sa ho nka setshwantsho, dithekiniki tsa tshebediso ya khamera, qatsohiso ya setshwantsho ka pele kapa ka morao.
hlalosa kamoo molathothokiso, temanathothokiso, e bopang morumo, morethetho metuta ya diphetapheto le kamoo matshwao a puo di bopang moelelo ka teng.
hlalosa le ho fihlella moelelo wa sebopeho sa diketsahalo le ditlhophiso tsa kalaneng.
hlalosa tshusumetso ya tshebediso ya thekeniki tsa disebediswa tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse jwalo ka tshebediso ya mebala, ya puisano, ya mmino, ya medumo, ya tshebediso ya mabone, ya bohlophisi, ya ho foreima, ya setaele sa ho nka setshwantsho, dithekiniki tsa tshebediso ya khamera, qatsohiso ya setshwantsho ka pele kapa ka morao.
baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
sebedisa dielemente tse bonwang le tsa ho rala tse mmalwa ka tshwanelo.
hlwaya le ho hlalosa mefuta ya ditema tse lokelang ho ngolwa, tse kang tsa kgopolotaba, tse nehelanang ka tlhahisoleseding, tsa boiqapelo, tse sebediswang ka mehla tsa kgokahano le tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano.
sebedisa mefuta e fapafapaneng ya dielemente tse bonwang le tsa ho rala ka tshwanelo.
sebedisa mefuta e fapafapaneng e batsi ya dielemente tse bonwang le tsa ho rala ka tshwanelo.
maikemisetso a batsi a fapaneng, le ho ya ka sebedisa mehopolo ya sehlooho le e ebaamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le tshehetsang ho tswa moralong wa dibopeho tse loketseng maemo a a fapaneng.
sebedisa makopanyi, masupi, mahokedi le mahlalosi ho bopa momahano ditemeng.
sebedisa makopanyi, masupi, mahokedi ho bopa momahano ditemeng.
sebedisa makopanyi, masupi, mahokedi ho bopa momahano ditemeng.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka hae, a ela hloko mehopolo ya ba bang, le ho maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng: baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le sebedisa tsela e beilweng ya ho lekola dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng mme a etse hloko setaele se tswanetseng sa ho nehelana se jwalo ka tema e hlahisitsweng ka nakgethe kapa phousetara e hohelang, e mebalabala.
nehalana ka sehlahiswa se phethetsweng a etse hloko setaele sa nehelano se loketseng jwaloka tema e makgethe kapa phousetara e hohelang, e mebalabala.
sebedisa lentswe le le leng bakeng sa polelwana le mefutafuta e fapafapaneng ya mahlalosonngwe le malatodi ka nepahalo.
sebedisa lentswe le le leng bakeng sa polelwana le mefutafuta ya mahlalosonngwe le malatodi ka nepahalo.
sebedisa lentswe le le leng bakeng sa polelwana le mefutafuta e batsi ya mahlalosonngwe le malatodi ka nepahalo.
tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho hlwaya le ho sebedisa ditho tsa puo tse kang maetsi, mabitso, mahlalosi, dikgethi phethahala.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho phethahala.
fetolela dipolelo ho tswa puong e ithutwang ho isa puong ya lapeng kapa ho tswa puong ya lapeng ho ya ho e ithutwang.
fetolela diratswana tse kgutshwane ho tswa puong e ithutwang ho ya puong ya lapeng kapa ho tswa puong ya lapeng ho ya ho ya ho e ithutwang.
tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho utulla kamoo melaetsa e totohetseng le e phethahala.
hlwaya le ho phepetsa puo e totobetseng e nang le tshekamelo, ho tadima dintho ka lehlakore le le leng feela, puo e fehlang maikutlo le qobellang e nang le tshusumetso, ditemeng.
hlwaya le ho phepetsa puo e nang le tshekamelo, ho tadima dintho ka lehlakore le le leng feela, puo e fehlang maikutlo, e qobellang le e nang le tshusumetso le ho utulla tsela tse fapaneng tsa ho ikutlwahatsa.
hlwaya le ho phepetsa puo e patehileng e nang le tshekamelo, ho tadima dintho ka lehlakore le le leng feela, puo e fehlang maikutlo, e qobellang le e nang le tshusumetso le ho hlahisa tsela tse fapaneng tsa ho ikutlwahatsa.
Karolong ena ho nehelanwe ka dikahare le maemo a ho ithuta ho thusa ho fihlella Maemo a Tekanyetso. Dikahare tse bontshitsweng di lokela ho ka sebetswa ka tsela e tla thusa baithuti ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Dikahare di lokela hore di thuse phihlellong ya Diphetho tsa ho Ithuta mme e se be qetelo ka botsona. Maemo a ho ithuta a sisintsweng a tla thusa hore dikahare di kenyeletswe maemong a tla bang le moelelo ho baithuti ho ithuteng le ho rutweng. Titjhere e lokela ho hlokomela le ho sebedisa maemo a selehae, le ha e se a bontshitsweng mona, ha feela a tsamaelana le boiphihlelo ba baithuti. Dikahare le maemo a ho ithuta, ha di hlophiseditswe ho ka fihlella Maemo a Tekanyetso, di nehelana ka moralo wa tlhahiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta. Tataiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta e nehelana ka dintlha tse feletseng mabapi le sena.
Ha lentswe lena, 'tema' le sebediswa Setatementeng sa Thuto ya Dipuo le na le moelelo o batsi oo re ka nahahang ka ona, o kenyeleditseng tsa nehelano ya molomo, tse ngotsweng, tse mamelwang, tse bohuwang le ho mamelwa hong le mefuta e fapaneng ya dipuisano. Ho rutweng ha dipuo tsohle, ditema di lokela ho sebediswa e le moo ho qalwang teng, mme mefuta e itseng ya ditema e ka hlahiswa e le ditholwana tsa tshebetso. Ka tlhahiso ya ditema tse ntseng di thatafala le maemo ho tloha kereiting ya 10 ho isa kereiting ya 12, Maemo a Tekanyetso a loketseng a bontsha kgolo le tharahano. Ditema tse bonolo le tse thatafetseng ka bobedi ke motheo wa kgolo le tswelopele dipuong tsohle.
Ha ho le jwalo, ditema ke mehlodi ya bohlokwa ya 'dikahare le maemo a tse ithutwang' ho ruta le ho ithuta puo ka tsela e hokahaneng le jwalo ka ha e sebediswa.
mefuta e fapaneng ya ditaele le disebediswa tsa setaele, tse jwalo ka mefuta e batsi ya puo ya papiso le ya boqapi.
Mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehileng ditemeng le mokgwa wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa bobedi di itshetlehile tshebedisong le tlhalosong ya ditema e tswelang pele.
Mokgwa wa ho ithuta puo o theilweng ditemeng o tadima tsela eo ditema di ka sebediswang ka teng. Maikemisetso ka ho sebedisa mokgwa ona o itshetlehileng tshebedisong ya ditema ke ho thusa baithuti ho ba le bokgoni, ho itshepa le ho ba neha bokgoni ba ho bala ka tshekatsheko, ho ba bangodi, babohi le ho tseba ho rala ditema. Hona ho kenyeletsa ho mamela, ho bala le ho sekaseka sepheo sa ho utlwisisa hore di hlahisitswe jwang le hore tshusumetso ya tsona ke efe. Ka ho sebetsana le ditema ka tsela ena e sekasekang, baithuti ba ntshetsa pele bokgoni le tsebo ya ho lekola ditema ka tshekatsheko. Mokgwa ona o theilweng ditemeng o kenyeletsa le tlhahiso ya mefuta e fapaneng ya ditema ka maikemisetso a itseng mmoho le baamohedi ba ditaba. Mokgwa ona o itshetlehile kutlwisisong ya hore ditema di hlahiswa le ho botjwa jwang.
Mokgwa wa ho ruta puo jwalo kaha e sebediswa o supa hore ho ithuteng puo, moithuti o tshwanetse ho nehwa nako le sebaka se sengata mmoho le menyetla e mengata ya ho kenya tshebetsong kapa ho hlahisa puo eo e leng ya hae ka ho bua maemong a phedisano le a tshebediso ya letsatsi le letsatsi. Ho ithuta puo ho lokela ho etswa ka tlhaho, ho etswe maemong a lokolohileng moo ho seng melawana e itseng, mme maemo ana a lokela ho fetisetswa ka phaposing moo bokgoni ba ho bala / boha le ho ngola / ba nehelano bo tlang ho ithutwa ka tlhaho - baithuti ba bala le ho ithuta ka ho etsa kgafetsa mosebetsi wa ho bala le ho ithuta ho ngola ka ho etsa mosebetsi o mongata o ngolwang. Ka hoo, ho totobetse hore mokgwa ona wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa le mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehile ditemeng. Hape, o itshetlehile mokgwatshebedisong o tswellang ka nako tsohle le tlhahiso ya ditema.
Ditema di hlahiswa tlasa maemo a itseng le ka maikemisetso a itseng, mme ho tadinngwe haholo basebedisi kapa baamohedi ba ditema. Mekga e fapaneng ya ditema e na le mesebetsi e fapaneng mme e latela ditsela le ditlwaelo ho ya ka sebopeho, setaele, kwahollopuo, tlotlontswe le dikahare. Mekga ena e bitswa ka hore ke mefuta ya dingolwa. Baithuti ba lokela ho nehwa bokgoni ba ho ka utlwisisa le ho hlahisa mefuta e fapaneng ya ditema.
Ka lehlakoreng le leng, ditema ke diipone tseo ka tsona ho totobatswang maemo a setso le a sepolotiki a sebaka seo di ngollwang ho sona. Puo e sebediswang ditemeng e jere molaetsa o supang ntlhakemo e itshetlehileng hodima maemo a setso le a sepolotiki a motho ya di ngotseng kapa ya di radileng. Ho ke ke ha thwe ditema ha di nke lehlakore ke hona. Baithuti ba lokela ho ba le bokgoni ba ho fihlella moelelo le ho arabela dintlha tse amang tsa boitshwaro le maikutlo kapa tjhadimo e itseng ya ditaba ditemeng.
Ka hoo, puo e lekolwa ditemeng ka nako tsohle, mme ditema le tsona di lekolwa ho ya ka dikahare tse fuperweng. Mokgwa ona o kenyeletsa le ho lekola semmuso dintlha tsa puo (kwahollopuo le tlotlontswe) empa jwalo ka kgetho e itshetlehileng kahlamelong ya tsona ditemeng, ka hoo di se etswe e le tsona feela ka ho ikemela. Hore ba kgone ho bua ka ditema, baithuti ba hloka 'puo e sebediswang ho hlalosa puo' eo ba ithutang yona - ba hloka mantswe a puo eo ho ka hlalosa dintlha tsa kwahollopuo tse fapaneng, tlotlontswe le setaele, le ho bua ka mefuta ya dingolwa.
Ditema di ka arolwa ka mekga ena; ditema tse sebediswang le ditema tse hlahiswang. Tsona di hlaloswa ka botlalo lenaneng lena le latelang. Lenane lena le ke ke la kenyeletsa mefuta yohle ya ditema - titjhere e dumelletswe ho ka eketsa lenaneng lena ka mefuta ya ditema tse ka sebediswang ho ka ruta ka mokgwa ona o hokahantsweng wa ho ruta. Maikemisetso ka lenane lena ke ho neha titjhere kgetho e batsi ya ditema tse ka sebediswang le tse ka hlahiswang. Dintlha ka botlalo tse hlokehang mabapi le boleng le ho rarahana ha ditema le tshebediso ya mantswe a loketseng, di hlahella Lenanetataisong la ho Ithuta.
Mefuta e meng ya dingolwa e lokelang ho etswa dikereiting tsa 10 ho isa ho 12 e kenyeletsa ditema tse sebediswang kgokahanong ya ka mehla, tse sebediswang ha ho lekolwa se itseng, tsa boiqapelo, tse bohuwang, tse mamelwang, tse bohuwang le ho mamelwa hong, le tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano. Kgetho e batsi ya ditema e lokela ho sebediswa mokgweng ona o akaretsang wa ho ruta ka mokgwa o hokahantsweng nakong ya dilemo tse tharo.
Ditema tse sa tlameng empa tse reretsweng ho matlafatsa: Papadi ya ho etsisa, ho pheta pale, ditaba tsa radio le thelevishine, tshwantshiso ya radio le thelevishine, dipuisano tsa dihlotshwana (phanele), palekgutshwe ya mong / thothokiso / tshwantshiso, setshwatsho sa boswaswi (khatunu), metlae e etswang ka ditshwantsho, metlae, matshwao, jwalojwalo.
Tekanyetso ke karolo e hlokolosi haholo ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha ya Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ke tshebetso eo ka yona ho bokellwang le ho hlalosa bopaki boo ka bona ho ka etswang qeto e hlalosang bokgoni ba moithuti. Bopaki bo ka bokellwa ka dinako le dibakeng tse fapaneng, le ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng, disebediswa, tsa phatlalatso, ditsela le maemo.
Ho etsa bonnete ba hore diphetho tsa tekanyetso di ka fumaneha le ho sebedisetswa merero e fapaneng nakong e tlang, sephetho se lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse fapaneng tse ka latelwang tsa ho ngola bokgoni bona ba baithuti. Tse ding tsa ditsela tsena di tla hlaloswa kgaolong ena. Tse ding di tla hlaloswa ka ho otloloha Lenanetataisong la ho Ithuta.
Batho ba bangata ba nang le kabelo thutong ba na le thahasello ya ho tseba hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang Dikereiting tsa 10 - 12. Hona ho kenyeleditse baithuti, batswadi, bahlokomedi ba bana, batshehetsi ba tsa ditjhelete, mafapha a thuto a diporofense, Lefapha la Thuto, Kantoro ya Letona la Thuto, boramosebetsi, le dibaka tsa thuto e phahameng. Ho etsetsa hore bohle ba fihlelle sephetho se akaretsang sa baithuti ha bobebe, le ho etsa diqeto ka bokgoni ba bona, diphetho tsa tekanyetso di lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa hona. Kgaolong ena, raporoto e etswang qetellong ya mosebetsi kapa qetellong ya nako e itseng, e tla utullwa.
Pele titjhere e ka etsa tekanyetso ya baithuti, ho bohlokwa hore maikemisetso a tekanyetso a qaqiswe ka tsela e utlwahalang e sa ikadimeng meelelo e mengata. Ho utlwisisa seo tekanyetso e ikemiseditseng ho se fihlella ho netefatsa hore ho be teng nyalano e loketseng dipakeng tsa maikemisetso le mekgwa ya tekanyetso, e le hore diqeto le dikahlolo tse etswang di itshetlehe ka tekanyetso, mme e be tse nang le toka, tse loketseng maikemisetso a tekanyetso.
Ho na le mabaka a mangata ao bokgoni ba baithuti bo lokelang ho lekanyetswa. Hona ho kenyeleditse le tekanyetso e etsetswang ho lekola tswelopele le ho nehelana ka tlhahisoleseding e itseng, ho hlahloba kapa ho phekola ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti o na le tsona, e etsetswang kgetho e itseng, e etsetswang tataiso, e etsetsang tshehetso e ka nehwang moithuti, e etsetswang ho nehelana ka lengolo la bopaki mmoho le ho fetisetsa moithuti kereiting e latelang.
Kharikulamong ena, ho ithuta le tekanyetso di hokahantswe haholo. Tekanyetso e thusa baithuti ho lekanya boleng ba ho ithuta ha bona. E neha baithuti lesedi ka tswelopele ya bona le ho ba neha bokgoni ba ho laola le ho etsa diqeto ka ho ithuta ha bona. Ka mokgwa ona, tekanyetso e nehelana ka lesedi le bontshang hore na ho ruta le ho ithuta ho a atleha ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta tse beilweng. Ha tekanyetso e bontsha hore tswelopele e a fokola, maano a ho ruta le ho ithuta a lokela ho fetolwa ka tsela e loketseng.
tekanyetso e ahang moithuti; le tekanyetso e etswang qetellong.
Tekanyetso ya motheo (qalehong) e bohlokwa qalehong ya kereite. E ka etswa le ha e le moo ho qalwang mosebetsi o motjha teng. E sebediswa ho sibolla seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba le ho se kgona pele ba ka qala mosebetsi o motjha. E thusa haholo ho rala diketsahalo tsa ho ithuta mmoho le lenanetsamaiso la ho Ithuta. Ho ngolwa ha dintlha tse hlahiswang ke tekanyetso ena ya motheo e ka ngolwa feela ka mokgwa oo e seng wa semmuso.
Tekanyetso efe kapa efe e ka sebediswa ho ribolla ditshita tsa ho ithuta, ho fumana sesosa kapa disosa tsa ditshitiso kapa ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti a ka ba le tsona ho ithuta. Tekanyetso e ribollang ditshita tsa ho ithuta e thusa ho fumana mawa a fapaneng kapa ho ka elellwa dibaka tseo ho tsona moithuti a hlokang ho ka tshehetswa ho tsona kapa tse hlokang pheko. E sebetsa jwalo ka mokgwa wa ho lekola le ho thusa ho rala (polana) botjha maikemisetso a Lenane la ho Ithuta, kapa ho ribolla moo ho ithuta ho sa atlehang teng e le hore ho tle ho fumanwe le ho kenngwa tshebetsong mawa a thibelang sena.
Mokgwa ofe kapa ofe wa tekanyetso o sebediswang ho nehelana ka tlhahisoleseding moithuting o nepahetse tekanyetsong e tsebisang. Tekanyetso e ahang moithuti ke tshiya ya bohlokwa ya ho ruta le ho ithuta. Bohle ba nang le seabo thutong ba sebedisa mofuta ona wa ho lekanyetsa e le ho ka fumana tlhahisoleseding e itshetlehileng tswelopeleng eo baithuti ba e etsang. Tlaleho e ahang ke karolo ya bohlokwa tswelopeleng.
Ha tekanyetso e sebedisetswa ho ka rekota kahlolo kapa bokgoni kapa tsela eo moithuti a sebetsang ka yona, e ba tekanyetso e jwalo e bonwa jwalo ka tekanyetso ya qetellong/mafelong. Tekanyetso e etswang qetellong e nehelana ka kakaretso e feletseng ya bokgoni kapa tswelopele eo moithuti a seng a e entse ka nako efe kapa efe. E ka etswa qetellong ya thuto ka nngwe ka phaposing, qetellong ya karolwana (ya uniti) e itseng ya mosebetsi, qetellong ya sekele ya mosebetsi, qetellong ya kgweditharo, qetellong ya kgweditshelela kapa qetellong ya selemo. Tekanyetso e etswang qetellong e lokela ho lokisetswa mme mawa le disebediswa tsa tekanyetso di lokela ho sebediswa ho neha baithuti bokgoni ba ho supa bokgoni ba bona.
e tsamaiswe le ho fetoha le maemo.
Tekanyetso ya bokgoni ba baithuti e etswang ke matitjhere e lokela hore e be boemong bo hodimo ba ho tshepahala. Hona ho bolela hore diphetho tsa baithuti mabapi le tshebetso ya bona di lokela ho akaretsa le ho kgema le dinako tse fapaneng le dintlha tsa tekanyetso, le ha e ka etswa ke matitjhere a fapaneng. Qeto kapa kahlolo hodima sephetho sa tekanyetso le yona e lokela hore e be ya nnete mme e tshepahale; ke hore, qeto e jwalo e lokela ho itshetleha hodima dintlha tsa ho ithuta tse neng di lekanyetswa.
Ka lebaka la hobane tekanyetso ka boyona e ke ke ya eba ya nnete kapa ya tshepahala ka ho phethahala ka boyona, diqeto tse etswang ka tswelopele ya moithuti di lokela ho itshetleha hodima tekanyetso tse fetang bonngwe. Sena ke motheo wa Tekanyetso e Tswellang. Tekanyetso e tswellang ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto ho ithuteng ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng ha ho ntse ho ithutwa. E ama diketsahalo tsa tekanyetso selemo ho pota, ho sebediswa mefuta e fapaneng ya mekgwa ya tekanyetso e kang diteko, dihlahlobo, diporojeke le diasaenemente. Tekanyetso ya nehelano ya molomo, e ngolwang le e etswang ka matsoho le tsona di kenyeleditswe. Dikarolwana tsa bopaki tse fapaneng tse hlahiswang ke baithuti e le karolo ya tekanyetso e tswellang di ka kenyeletswa potefoliyong. Dithuto tse fapaneng di na le dipehelo tse fapaneng tse bontshang se lokelang ho kenyeletswa potefoliyong. Dipehelo tsena di hlaloswa hantle Lenanetataisong la ho ithuta.
Tekanyetso e Tswellang e thehilwe ka phaposing le sekolong, mme e tsepamiswa hodima mokgwa o tswelang pele oo ho ona tekanyetso e hokanyeleditsweng ka hara tshebetso ya ho ruta le ho ithuta. Matitjhere a kgona ho tseba baithuti ba bona ka ho ba ruta ka mehla (letsatsi le letsatsi), ka ho ba botsa dipotso, ho ba lebella, le ho ba beha leihlo ha ba sebetsa le ho kopakopana ka bobona.
Tekanyetso e Tswellang e lokela ho sebediswa dikarolong tsa kharikhulamo tse lekanyetswang ka ho ngola diteko le diasaenemente le tseo ho tsona ho sebediswang mekgwa ya tekanyetso e meng, e jwalo ka ho bontsha bopaki ba hore moithuti a ka etsa mosebetsi o itseng wa matsoho kapa a bontsha boiphihlelo bo itseng ho tsa molomo.
Diphetho tsa ho Ithuta tsohle mmoho le Maemo a Tekanyetso di pepesitwe. Baithuti ba tseba se lebeletsweng ho bona. Ha ho le jwalo, baithuti ba na le seabo sa bohlokwa ka ho itekanyetsa ka bobona ha ho etswa tekanyetso ka hore ba 'etse tekanyetso ya pele' ya mosebetsi wa bona pele titjhere a ka etsa tekanyetso ya ho qetela. Ho nahanisa le ho lekola tswelopele eo moithuti a e entseng ke karolo ya bohlokwa ya ho ithuta.
Tekanyetso e etswang ke baithutimmoho, ba sebedisa mananenetefatso kapa dikala tsa tekanyetso (diruburiki), e thusa moithuti eo mosebetsi wa hae o lekanyetswang mmoho le ba etsang tekanyetso eo. Ho arolelana hona ha ditsela kapa ditebello tsa ho lekanyetsa ho thusa baithuti ho lekola bokgoni ba bona le bokgoni ba ba bang.
Bokgoni ba ho sebetsa ka katleho le kutlwisisano dihlotshwaneng ke se seng sa Diphetho tse Hlokolosi. Ho etsa tekanyetso ya sehlotshwana ho bolela ho batlana le bopaki bo supang ka ho totobetseng hore e feela sehlotshwana se sebedisana mmoho, se a thusana, se arolelana mosebetsi le ho kopanya diphehiso tse fapaneng tsa ditho tsa sehlotshwana, ho bopa sehlahiswa se le seng se ka lekanyetswang. Tekanyetso ya sehlotshwana e tadimana le tsela ya tshebetso eo baithuti ba e latelang mmoho le se hlahiswang. E kenyeletsa le tekanyetso ya bokgoni ho tsa phedisano, tsamaiso ya nako, tsamaiso ya mehlodi, diphapang le diphapano tsa sehlotshwana, mmoho le se hlahiswang ke sehlotshwana.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho bokella bopaki. E meng ya mekgwa ena e hlaloswa mona ka tlase.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng temohong e atisa ho sebedisa ditsela tse sa totobatswang, mme e re dumella ho rekota bopaki bo fapaneng ba baithuti ka dinako tse fapaneng. Mofuta ona wa tekanyetso hangata o itshetlehile hodima mesebetsi e hlokang hore baithuti ba sebedisane mmoho ho fihlella tharollo kapa sephetho se tshwanang. Ho lokela hore temoho e etswe ka maikemisetso mme e tsamaiswe ka thuso ya se sebediswa se nepahetseng sa ho lemoha.
Tekanyetso e itshetlehileng ditekong e radilwe haholo ka tsela e nehang matitjhere bokgoni ba ho bokella bopaki bo tshwanang baithuting bohle ka tsela e tshwanang le ka nako e le nngwe. Mofuta ona wa tekanyetso o hlahisa bopaki ba ho ithuta bo tiisetswang ka ho fihlella dintlha kapa matshwao a itseng. Ha e sebediswa hantle, diteko le dihlahlobo di dula e ntse e le karolo ya bohlokwa ya kharikhulamo hobane di nehelana ka bopaki ba seo baithuti ba ithutileng sona.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng hodima mosebetsi kapa bokgoni bo reretsweng ho bontsha hore na baithuti ba kgona ho sebedisa tsebo le bokgoni tseo ba ithutileng tsona maemong a sa tlwaelehang kapa a ka ntle ho phaposi ya bona ya ho rutela. Tekanyetso e supang bokgoni e kenyeletsa le karolo ya thuto ya mosebetsi o supang bokgoni ka ho sebedisa matsoho (poratikale), moo ho lekolwang hore baithuti ba hokela jwang teori (tsebo e kgopolong) le se etswang ka matsoho (poratikale). Mokgwa, tsela kapa molao ona oo ka ona mosebetsi o lekanyetswang, o hlaloswa ka tsela ya dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) kapa lenane la ho lekola dintlha, o thusa titjhere ho sebedisa kapa ho hlaha ka kahlolo ya seporofeshenale e supang bokgoni ba baithuti.
Ho rekota le ho etsa tlaleho ho ama le ho kenyeletsa dintlha tse kang ho tshwara dintlha (data) tse bokeletsweng nakong eo ho neng ho etswa tekanyetso ka yona e le hore e tle e lekolwe le ho phatlalatswa ka tsela e nepahetseng le e utlwahalang.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho rekota. Hangata ho batla ho le thata ho totobatsa phapang dipakeng tsa tsela eo ho rekotwang dintlha tsa tekanyetso ka yona, le tsela kapa mokgwa wa ho sekaseka bokgoni ba baithuti.
mananeo a mesebetsi kapa lenanenetefatso; le dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki).
Dikala tsa ho lekanyetsa ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka A kapa B) kapa ntlha (jwalo ka 5/10 kapa 50%) e hlaloswang ka botlalo e le ho hokahanya dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona hore baithuti ba lokela ho di fihlella le tlhaloso ya bokgoni e hlokehang ho fihlella ntlha e beilweng. Tlhaloso e lokelang ho fihlellwa e bohlokwa ho feta dintlha tseo ho dumellanweng ka tsona tshebetsong ya ho ruta le ho ithuta ka ha e neha baithuti mohopolo o hlakileng wa seo ba se fihlelletseng le hore ke ho kae le hore hobaneng ba sa kgona ho fihlella dintlha tse beilweng hodima mosebetsi wa bona. Tsela ya kgale ya ho tshwaya le ho lekola e ne e sebedisa mokgwa wa ho lekanyetsa o neng o sa sebedise tlhaloso ya seo baithuti ba lokelang ho se fihlella, o ne o etsa hore ho be thata ho nehelana ka moelelo wa moo matla kapa bofokodi ba baithuti bo leng teng ho ya ka sepheo sa sephetho. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiteng tsa 10 - 12 se sebedisa sekala se dikgato tse tsheletseng tsa ho lekanyetsa.
Manane a mosebetsi kapa lenaneo la ho tshwaya le ba le ditatemente tse otlolohileng tse hlalosang bokgoni ba moithuti hodima mosebetsi o itseng. Ha ho hlokomelwa hore moithuti o fihlelletse maemo a itseng a lenaneo la ho tshwaya hodima mosebetsi o neng o entswe, e ba setatemente seo se a tshwauwa ho supa hore moithuti eo o se fihlelletse. Ditatemente tseo kaofela ha di se di tshwailwe ho bolelang hore se neng se batlahala se fihlelletswe ho hlalosa bokgoni ba moithuti. Mananeo a ho lekola mosebetsi a thusa haholo mesebetsing e tshwauwang ke baithutimmoho kapa ke dihlotshwana.
Dikala tsa Tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) ke mefuta ya dikala e hokahantseng dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona mmoho le tlhaloso tsa maemo a lokelang ho fihlellwa. Di bopilwe ka dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang. Ruburiki e hloka hore titjhere e tsebe hantle seo e leng sa bohlokwa le ho hlalosa maemo/matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa. Ho na le mefuta e mmedi ya diruburuki, e akaretsang le e sekasekang mosebetsi ohle. Ruburiki e akaretsang e lekanyetsa karolo ya mosebetsi kapa mosebetsi ohle, ha ruburiki e sekasekang yona e lekola tshekatsheko ya dintlhana kapa dibopeho tse itseng tsa mosebetsi. E ka kenyeletsa dintho tsena ka bobedi. Lenanetataiso la ho Ithuta le nehelana ka mehlala ya diruburiki tsa dithuto ka ho otloloha.
Ke diphetho dife tseo ho ikemiseditsweng ho di fihlella?
Ke Maemo a Tekanyetso afe ao ho ikemiseditsweng ho a fihlella?
Ke bopaki bofe bo lokelang ho fihlellwa?
Ke dikarolo dife tsa bokgoni tse tlang ho lekanyetswa?
Ke disebediswa tsa tekanyetso dife tse loketseng karolo e nngwe le e nngwe ya mosebetsi o lekanyetswang (tse jwalo ka mokgwa wa tshebetso le sehlahiswa se tlang ho hlahiswa)?
Ke tsebo efe e lokelang ho totobatswa bopaking?
Ke bokgoni kapa diketso dife tse lokelang ho sebediswa?
Ke menyetla efe e hlahisetswang moithuti ho ka hlahisa maikutlo, makgabane kapa tjhadimo ya hae ya ditaba mosebetsing oo a o neilweng moo tsena di lokelang ho ka lekanyetswa le hona ka mokgwa ofe?
Le hore na ruburiki ena e lokela ho sebedisetswa ho lekanyetsa diphetho mmoho le Maemo a Tekanyetso ohle a mosebetsi ona wa tekanyetso kapa na mosebetsi oo o lokela ho etsetswa diruburiki tse fapafapaneng?
Ke diruburiki tse kae, hantlentle, tse hlokehang mosebetsing oo?
Ho bohlokwa ka nako tsohle hore titjhere e shebisane ruburiki le baithuti pele ba ka etsa mosebetsi oo ba o filweng. Ha ruburiki e sebediswa ka tsela ena, e fetoha sesebediswa se matla sa tekanyetso e etswang ke moithuti ka boyena.
Tlaleho e itshetlehileng bokgoning e nehelana ka lesedi ho bohle ba nang le seabo kapa ba nang le kgahleho tswelopeleng ya moithuti. Ha bopaki bo se bo bokeletswe le ho sekasekwa, matitjhere a lokela ho ngola bokgoni kapa phihlello ena. Ho lokela ho etswa Tekanyetso e etswang qetellong e lekaneng e le hore tlaleho e etse tlhaloso e bontshang boemo boo moithuti a bo fihlelletseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ananela sekala se supang boiphihlelo ba dikgato tse 6. Sekala seo se bontshitswe Lenanetafoleng la 4.
Ho thusa ka boemo ba phihlello bo lokelwang ke ho fihlellwa diphethong tsa ho ithuta dikereiting tsa10 ho isa ho 12, ho nehelanwe ka ditlhaloso tsa boiphihlelo ba thuto e le ho hlahisa karohano kapa phapang ho se lebelletsweng hore baithuti ba lokela ho se tseba le ho ka kgona ho se fihlella. Dikgato tse tsheletseng tsa bokgoni bo lokelang ho fihlellwa di hlalositswe thutong e nngwe le e nngwe, kereite le kereite. Ditlhaloso tsena di tla thusa matitjhere haholo ka ho lekanyetsa baithuti le ho ka ba beha maemong a nepahetseng. Ditlhaloso di akaretsa se hlalositsweng ka botlalo Diphethong tsa ho Ithuta le Maemong a Tekanyetso, mme di nehelana ka matshwao a ikgethang a bopang boemo ba boiphihlelo maemong a itseng. Maemo a phihlello a fapaneng mmoho le dikgato tsa diperesente tse a supang di bontshitswe lenanetatoleng 1941.
Ho ya ka metheo le tshebediso ya tekanyetso e itshetlehileng diphethong, tekanyetso tsohle, e etswang sekolong mmoho le e etswang qetellong (tlhahlobo), di lokela ho tataiswa kapa ho itshetleha maemong a beilweng a ho lekanyetsa. Le ha ho le jwalo, matshwao a ka sebediswa ho lekola mosebetsi o itseng, empa mosebetsi o jwalo o lokela ho lekanyetswa ka ho sebedisa ruburiki ho na le ho tshwaya dintlha ho ntse ho nehelanwa ka matshwao a itseng ho ya ka dintlha tse nepilweng. Tlhaloso ya phihlello thutong ka nngwe e hlalosa bonyenyane bo lokelang ba bokgoni, tsebo, tjhadimo ya ditaba le makgabane tseo moithuti a lokelang ho bontsha boiphihlello ho tsona kgatong e nngwe le e nngwe ya sekala sa ho lekanyetsa.
Ha titjhere kapa molekanyetsi a lokisetsa mosebetsi wa tekanyetso/ dipotso, o lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi / dipotso di tobile dintlha tse itseng tsa sephetho se lokelang ho lekanyetswa. Maemo a Tekanyetso a loketseng a tshwanetse hore a sebediswe ho rala sekala sa tekanyetso (ruburiki) se tla sebediswa ho tshwaya mosebetsi / potso eo ho nehalanweng ka yona. Tlhaloso e bontsha ka ho hlaka boemong boo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kgatong e nngwe le e nngwe.
Ho fetisetswa pele ha baithuti ba leng Kereiting ya l0 le ya ll ho tla itshetleha feela tekanyetsong e etswang sekolong, empa le yona e lokela ho tshetlehwa dipehelong tse tshwanang le tse ho lengolo la Thuto le Thupelo e Tswellang. Ditlhokeho, maemo le melawana, mmoho le kgauhelo e etswang haeba moithuti a sa tsamaya hantle hakaalo, di hlalositswe hantle tokomaneng e bitswang ka hore ke Qualifications and Assessment Policy framework for Grades 10 - 12 (General).
Ho na le dibopeho tse ngata tseo dikarete tsa raporoto di ka ralwang ka tsona empa re ithutile hore ha Karete ya Raporoto e shebahala e nolofetse, ho ba bobebe ho e utlwisisa, ha feela e kenyeleditse dintho tsohle.
keletso e ahang e buang ka phihlello ya moithuti papisong le phihlello ya hae ya nako e fetileng mmoho le ditlhoko tsa thuto; le tswelopele eo moithuti a e etsang mabapi le ho ithuta.
setempe sa sekolo; le tlhahisoleseding e supang tsela eo moithuti a kenang sekolo ka yona.
bua le ho nehelana ka boitshepo, le ka kgokahano le momahano dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, ho fihlela moelelo, ho sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a fapaneng a dipuisano, a bontsha matshwao a kgotsofatsang a boikutlwahatso.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka ho phethahala le ka boitshepo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka ho hlaka; balla hodimo, a bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e kgodisang, a bontsha bopaki ba bokgabo le setaele seo e leng sa hae se holang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana ka tsela e tshwarellang, ka boitshepo le ka kgokahano le ka momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka ho hlaka; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, ho fihlela moelelo, ho sekaseka le ho lekola tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a di puisano a fapaneng, a bontsha matshwao a hlakileng a boikutlwahatso.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa ditema ka ho phethahala le ka boitshepo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle haholo mme o utlwahatsa le ho tshehetsa mehopolo ya hae ka tsela e hlakileng; balla hodimo a bontsha bolokolohi le boikutlwahatso ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapafapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ka ho phethahala ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tsehetsang ka tsela e tshwarellang, e kgodisang e bontshang bopaki ba bokgabo le setaele seo e leng sa hae se holang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana ka tsela e bontshang botsitso, e tshwarellang, ka boitshepo le ka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e phethahetseng, le ho sebedisa puo e bontshang, ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, ho fihlela moelelo, ho sekaseka le ho lekola tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng ka nepo; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso maemong a fapaneng, a batsi a dipuisano.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa ditema ka phethahalo le ka boitshepo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e kgahlisang haholo mme o utlwahatsa le ho tshehetsa mehopolo ya hae ka ho hlaka; balla hodimo a bontsha bolokolohi le boikutlwahatso ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e batsi e fapafapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo; ngola ka ho phethahala ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e kgodisang le e supang bokgabo, a bontsha setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho hlahisa tema e bopilweng ka bokgabane.
bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa ditho/dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka boitshepo le ka ho nepahala; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, lekola, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo babatsehang haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo / ditho le ditlwaelo tsa puo ka boitshepo le ka ho nepahala; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, lekola, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo babatsehang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana, hangata ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo; bontsha kelohloko e holang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng empa o bontsha ho qeaqea ha a sekaseka le ho hlalosa; sebedisa puo hangata ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa maemong a dipuisano a fapaneng.
fihlela moelelo le ho hlwaya ditema hangata ka boitshepo a bala le ha a boha, empa o bontsha qeaqeo ha a sekaseka le ha a hlalosa; bontsha kutlwisiso e ntle mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka tsela e kgahlisang; balla hodimo a bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo botle; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tseo hangata e leng tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha empa di sa nepahala hakaalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa hangata mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka botebo, ka tsela e tshwarellang le e kgodisang, mme ka nako tse ding a bontsha bokgabo le bopaki ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing hangata a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana hangata ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo; bontsha kelohloko e holang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng, empa o bontsha ho qeaqea ha a sekaseka leha a lekola; sebedisa puo hangata ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa maemong a dipuisano a fapaneng.
fihlela moelelo le ho hlalosa ditema hangata ka boitshepo ha a bala le ho boha, empa o bontsha ho qeaqea ha a lekola le ho hlalosa; bontsha kutlwisiso e ntle mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka tsela e kgotsofatsang; balla hodimo a bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo botle; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana hangata ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa hangata mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e kgodisang, le e bontshang bokgabo ka nako e nngwe, mme a bontsha le bopaki ba setaele seo e leng sa hae se holang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng, hangata a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana hangata ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo; bontsha kelohloko e holang, le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, ho fihlela moelelo, le ho la sekaseka tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng, empa o bontsha ho qeaqea ha a lekola; sebedisa puo ka bolokolohi mme hangata le ka ho ikutlwahatsa maemong a dipuisano a fapaneng.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema hangata ka boitshepo ha a bala le o boha, empa o bontsha ho qeaqea ha a lekola le ho hlalosa; bontsha kutlwisiso e ntle haholo mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka tsela e kgotsofatsang; balla hodimo a bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela kgahlisang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana hangata ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso maemo le dibopeho; bopa hangata mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka botebo le ka tsela e tshwarelang, e kgodisang le eo ka nako e nngwe e bontshang bokgabo, a bontsha setaele seo e leng sa hae se holang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
E tswela pele moelelo le ho hlalosa hangata, diphapano tse patehileng pakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, hlalosa le ho sebedisa hangata dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele ka nako tse ding, empa o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo botle ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisa le ho sebedisa hangata dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa hangata diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, hlalosa, lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele, empa ka nako e nngwe o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa hangata dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa hangata diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, hlalosa lekola le ho sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele, empa o etsa diphoso tse nyenyane; bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha kelohloko, le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka tsela kgotsofatsang; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng, empa o bontsha qeaqeo ha a sekaseka le ho hlalosa; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso bo kgotsofatsang maemong a dipuisano a tlwaelehileng.
hlwaya ho ho fihlela moelelo ditemeng ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha empa o hloka ho thuswa ha a sekaseka le ho hlalosa; bontsha kutlwisiso e kgotsofatsang mme ka nako e nngwe o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang le ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho hangata ka tsela e kgotsofatsang; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka botebo le ho tsepama ka tsela e kgotsofatsang, a thuswa, empa sehlahiswa hangata se hloka bokgabo le bopaki ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng, a thuswa, ka sepheo sa ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha a bontsha boitshepo bo kgotsofatsang; bontsha kelohloko le tsebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka tsela e kgotsofatsang; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding mabakeng a fapaneng, empa o bontsha ho qeaqea ha a sekaseka le ho lekola; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso ka bokgoni bo kgotsofatsang maemong a fapanenga a dipuisano.
fihlela moelelo le ho hlalosa ditema ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha empa o hloka ho thuswa ha a sekaseka le ho lekola; bontsha kutlwisiso e kgotsofatsang mme ka nako tse ding o utlwahatsa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka ditema ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang, empa ditema ka nako e nngwe di hloka boiqapelo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e kgotsofatsang; thuswa ho bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka ho teba le ho tsepama, empa ka nako tse ding o haellwa ke ho botsha boiqapelo le bopaki ba setaele seo e leng sa hae; thuswa ho lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka sepheo sa ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha a bontsha boitshepo ka tsela e kgotsofatsang; bontsha kelohloko e kgotsofatsang le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding mabakeng a fapaneng empa o bontsha ho qeaqea ha a sekaseka le ho lekola; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso ka tsela e kgotsofatsang maemong a fapaneng a dipuisano.
fihlela moelelo le ho hlalosa ditema ka boitshepo ka tsela e kgotsofatseng ha a bala le ho boha empa o hloka ho thuswa ha a sekaseka le ho lekola; bontsha kutlwisiso e kgotsofatsang mme o utlwahatsa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutwahatsa ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka ditema ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo, bontsha le boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e kgotsofatsang; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetseng a bontsha bokgabo, ho teba le ho tsepama empa a fumantshwa thuso e itseng, mme o bontsha bopaki bo kgotsofatsang ba setaele seo e leng sa hae; thuswa ho lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka sepheo sa netefatsa ntlafatso.
E tswela pele diphapano meeleleng le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona ka ho nepahala ho kgotsofatsang, empa o thatafallwa ke ho hlalosa diphapano tse patehileng; hlwaya le ho sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele ka nako tse ding, empa e etsa diphoso ha a hlalosa; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka ho nepahala ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya le ho fihlela moelelo wa diphapano meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona ka ho nepahala ho kgotsofatsang, empa o thatafallwa ke ho hlalosa diphapaho tse patehileng; hlwaya le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele ka nako e nngwe empa o etsa diphoso ha a hlalosa le ha a lekola; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka ho nepahala ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya le ho fihlela moelelo wa diphapano meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona ka ho nepahala ho kgotsofatsang, empa ka nako e nngwe o thatafallwa ke ho hlalosa diphapano tse patehileng; hlwaya, hlalosa lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele ka nako tse ding, empa o e tsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana ka ho kgothaletswa, empa ha se ka nako tsohle a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka bokgoni bo lekaneng; mamela ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo ka bokgoni bo lekaneng, empa o thatafallwa ke ho mamela ka tshetshefo, ho sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding; sebedisa puo ka bolokolohi ka bokgoni bo lekaneng maemong a dipuisano a tlwaelehileng empa o haellwa ke ho ikutlwahatsa.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa ditema ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha, empa o teana le bothata ha a sekaseka le ha a hlalosa tlhahisoleseding leha a thuswa; bontsha kutlwisiso e lekaneng mme o hlahisa maikutlo a hae le ho a tshehetsa ka nako e nngwe; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo lekaneng.
ela hloko boiqapelo, kgokahano le momahano, ya dintlha le nepahalo ka tsela e lekaneng ha a ngola le ho nehelana; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e lekaneng empa ka ho teba le ho tsepama ho haellang, mme o hloka tataiso e etswang kgafetsa; bontsha bopaki bo lekaneng ba setaele seo e leng sa hae ka nako e nngwe; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng feela ka ho thuswa ho netefatsa ntlafatso e lekaneng.
bua le ho nehelana ka ho kgothaletswa, empa ha se ka nako tsohle a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e lekaneng le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo ka tsela e lekaneng, empa o thatafallwa ke ho sekaseka le ho lekola tlhahisoleseding; sebedisa puo ka bolokolohi ho lekaneng maemong a dipuisano a tlwaelehileng empa o haellwa ke ho ikutlwahatsa ka dinako tse ding.
fihlela moelelo wa ditema ka tsela e lekaneng ha a bala le ho boha empa o a thatafallwa ha a sekaseka, lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding leha a thuswa; bontsha kutlwisiso e lekaneng mme o hlahisa mehopolo ya hae a be a e tshehetse ka nako e nngwe; balla hodimo ka bolokolohi le ho kutlwahatsa ka tsela e lekaneng; bontsha ho ba sedi maikutlong a fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e lekaneng.
ela hloko kgokahano le momahano ya dintlha, boiqapelo le nepahalo ka tsela e lekaneng ha a ngola le ho nehelana; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka bokgoni bo lekaneng; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e lekaneng, empa ka botebo le ho tsepamo tse haellang mme o hloka tataiso nako le nako; bontsha bopaki bo lekaneng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka ho thuswa ho netefatsa ntlafatso e lekaneng.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha ka ho hlohlotswa ho honyenyane; bontsha kelohloko e lekaneng le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo ka tsela e lekaneng, empa o thatafallwa ke ho sekaseka le ho lekola tlhahisoleseding; sebedisa puo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka tsela e lekaneng maemong a dipuisano a tlwaelehileng.
fihlela moelelo wa ditema ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha empa o a thatafallwa ha a sekaseka, a lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso e lekaneng mme o nehelana ka mehopolo ya hae a be a e tshehetse ka nako e nngwe; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e lekaneng; bontsha ho ba sedi maikutlong a fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e lekaneng.
ela hloko kgokahano le momahano ya dintlha, boiqapelo le nepahalo ka tsela e lekaneng ha a ngola le ho nehelana; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka bokgoni bo lekaneng; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka bokgoni bo lekaneng le ka ho teba le ho tsepama ho seng hokae, mme o hloka tataiso; bontsha bopaki bo lekaleng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka ho thuswa ho netefatsa ntlafatso e lekaneng.
hlwaya, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla ka bokgoni bo lekaneng, empa hangata o etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka bokgoni bo lekaneng, empa o etsa diphoso tse bohlaswa; hlwaya le ho fihlela moelelo wa diphapano meelelong ya mantswe mmoho le dibopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng empa o thatafallwa haholo ke ho hlalosa mesebetsi ya mehlodi ya mantswe; hlwaya, lekola, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla ka bokgoni bo lekaneng, empa hangata etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka bokgoni bo lekaneng, empa ha se kamehla di sebedisang ka ho nepahala; hlwaya le ho fihlela moelelo wa diphapano meelelong ya mantswe mmoho le dibopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng, o empa o thatafallwa ke ho hlahosa mesebetsi ya mehlodi ya mantswe; hlwaya, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo tse fapaneng mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla ka bokgoni bo lekaneng, empa o etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana empa ka qeaqeo e kgolo mme ke ka sewelo a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho hlalosa tlhahisoleseding ka sewelo; sebedisa puo ka bolokolohi kapa ka ho ikutlwahatsa maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo.
ngola le ho nehelana empa ke ka sewelo ditema di bontshang boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka sewelo; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka sewelo leha a thuswa kgafetsa; bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae ka sewelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng empa o elellwa diphoso ka sewelo mme o hloka thuso kgafetsa.
bua le ho nehelana ka ho qeaqea, mme ke ka sewelo a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompa ka tsela e haellang; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, ho sekaseka kapa ho lekola tlhahisoleseding ka sewelo; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a dipuisano a tlwaelelehileng ka sewelo mme o ikutlwahatsa ka bokgoni bo haellang haholo.
fihlela moelelo wa ditema ka sewelo leha a thuswa kgafetsa ha a bala le ho boha mme o teana le bothata bo boholo ha a sekaseka, a lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso e haellang, mme o hlahisa maikutlo a hae kapa ho a tshehetsa ka sewelo; balla hodimo ka ho kgaokgaoha le ka bolokolohi le boikutlwahatso tse haellang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo.
ngola le ho nehalana ka ditema, empa ke ka sewelo di bontshang boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ka sewelo ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang, feela ka bothata mme o hloka ho tataiswa kgafetsa; bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae ka sewelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng feela ka ho tataiswa kgafetsa.
bua le ho nehelana ka ho qeaqea, mme ke ka sewelo a bontshang kgokahono le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e haellang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, ho fihlela moelelo, ho sekaseka kapa ho lekola tlhahisoleseding ka sewelo; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a dipuisano a tlwaelelehileng ka sewelo, mme o bontsha boikutlwahatso ka tsela e haellang.
fihlela moelelo wa ditema ka sewelo leha a thuswa ha a bala le ho boha, mme o teana le teana le bothata ha a sekaseka, a lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso e haellang, mme o a hlahisa maikutlo a hae le ho a tshehetsa ka sewelo; balla hodimo ka ho kgaokgaoha le ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e haellang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo.
ngola le ho nehalana ka ditema, empa ke ka sewelo di bontshang boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka sewelo; bopa mehopole le dintlha tse e tshehetsang feela ka bothata mme o hloka tataiso; bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae ka sewelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng feela ka ho tataiswa.
hlwaya, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla ka nepahalo ka sewelo mme hangata o etsa diphoso tse ngata tse kgolo; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlonswe.
utlwisisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka sewelo mme o di sebedisa ka tsela e nepahetseng ka bothata; hlwaya le ho fihlela moelelo wa diphapano meelong ya mantswe le dibopeho tsa ona ka sewelo mme hangata o thatafallwa ke ho sekaseka le ho hlalosa mesebetsi ya mehlodi ya mantswe; hlwaya, lekola, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya kamehla ka sewelo, mme hangata o etsa diphoso tse kgolo; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehalana empa ka qeaqeo e kgolo haholo le ka dikgefutso tse telele mme ho se na kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le tlhompho ka bokgoni bo fokolang haholo; mamela ka tshetshefo bakeng sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho hlalosa tlhahisoleseding ka sewelo haholo, leha a fuwa tataiso; sebedisa puo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa maemong a tlwaelelileng a dipuisano ka sewelo haholo.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho hlalosa ditema ka tsela e fokolang haholo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso le ho hlahisa maikutlo le ho a tshehetsa ka sewelo haholo; balla hodimo, empa ka bofokodi bo boholo mme o bontsha bolokolohi le boikutlwahatso ka bokgoni bo fokolang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapanang le dintlheng tse amang setso ka tsela e haellang haholo.
bua le ho nehelana ka qeaqeo e kgolo haholo le dikgefutso tse ngata mme o hloka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo haholo; mamela ka tshetshefo bakeng sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho lekola tlhahisoleseding ka sewelo haholo; sebedisa puo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa maemong a tlwaelelileng a dipuisano ka sewelo haholo.
fihlela moelelo wa ditema ka sewelo haholo ha a bala le ho boha, mme o ba le bothata bo boholo haholo ha a sekaseka, a lekola kapa a hlalosa ditema; bontsha kutlwisiso le ho hlahisa maikutlo kapa ho a ka sewelo haholo; balla hodimo, empa ka bofokodi bo boholo mme o bontsha kgaello e kgolo ya bolokolohi le ho ikutlwahatsa; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e haellang haholo.
bua le ho nehelana ka qeaqeo e kgolo haholo mme o hloka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo haholo; mamela ka tshetshefo bakeng sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho lekola tlhahisolesiding ka sewelo haholo; sebedisa puo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka sowelo haholo maemong a tlwaelelileng a dipuisano.
fihlela moelelo wa ditema ka sewelo haholo ha a bala le ho boha mme a ba le bothata bo boholo haholo ha a sekaseka, a lekola kapa a hlalosa; bontsha kutlwisiso le ho hlahisa maikutlo a hae kapa ho a tshehetsa ka sewelo haholo; balla hodimo, empa ka bofokodi bo boholo haholo, mme o bontsha kgaello e kgolo haholo ya bolokolohi le ho ikutlwahatsa; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e haellang haholo.
ngola le ho nehelana empa ditema ha di bontshe boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; bontsha ho tsotella baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemiseto, maemo le dibopeho ka sewelo haholo; hlahisa ditema tse nang le diphoso tse ngata tse kgolo, ebile di batla di sa utlwahale ka lebaka la ho utlwisisa ka tsela e fosahetseng le tshebediso e fokolang ya puo; hlahisa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka sewelo haholo mme ha a bontshe setaele seo a leng sa hae; sitwa ho bontsha bopaki ba ho hlaola diphoso kapa ho boeletsa ditema le ha a fumantshwa tataiso e matla haholo.
utlwisisa kapa ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka sewelo haholo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa diphapano tse teng meelelong ya mantswe le dibopeho tsa ona ka bothata bo boholo; bontsha kutlwisiso ya mesebetsi ya mehlodi ya mantswe ka sewelo haholo; hloleha ho bopa kapa ho sebedisa dipolelo ka nepahalo bakeng ya tshebediso ya puo ya ka mehla mme o sitwa ho bontsha bokgoni ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
ngola le ho nehelana empa ke ka sewelo haholo ditema di bontshang boiqapelo, momahano le kgokahano ya dintlha, kapa nepahalo; sitwa ho bontsha ho tsotella baamohedi ba ditaba ba fapaneng maikemisetso, maemo, le dibopeho; hlahisa ditema tse tletseng diphoso tse kgolo mme di batla di sa utlwahale ka lebaka la kutlwisiso e fapaneng, maikemisetso, maemo, le dibopeho; hlahisa ditema tse tletseng diphoso tse kgolo mme di batla di sa utlwahale ka lebaka la kutlwisiso e fosahetseng le tshebediso e fokolang ya puo; hlahisa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka sewelo haholo, mme o hlolwa ke ho bontsha fosahetseng le tshebediso e fokolang ya puo; hlahisa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka sewelo haholo mme o sitwa ho bontsha setaele seo setaele seo e leng sa hae; hloleha ho bontsha bopaki ba ho hlaola diphoso kapa ho boeletsa ditema leha a fuwa tataiso e matla haholo. e leng sa hae; hloleha ho bontsha bopaki ba ho hlaola diphoso kapa ho boeletsa ditema leha a fuwa tataiso e matla haholo.
utlwisisa kapa sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa motheo tsa puo ka sewelo haholo; hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa diphano tse teng meelelong ya mantswe le dibopehong tsa ona ka sewelo haholo; bontsha kutlwisiso ya mesebetsi ya mehlodi ya mantswe ka sewelo haholo; hloleha ho bopa kapa ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo ka nepahalo bakeng sa tshebediso ya puo ya kamehla mme o hloleha ho bontsha bokgoni ba tsebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa kapa sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka sewelo haholo; hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa diphano meelelong ya mantswe le dibopeho tsa ona ka sewelo haholo; bontsha kutlwisiso e fokolang haholo ya mesebetsi ya mehlodi ya mantswe; hloleha ho bopa kapa ho sebedisa dipolelo ka nepahalo bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla mme o hloleha ho bontsha bokgoni ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
akanya - ho lekanya taba kapa ntlha e itseng empa ho itshetlehuwe hodima tlhahisoleseding/dintlha tse itseng akoronimi - lentswe le bopilweng ka ditlhaku tse qalang tsa mantswe a mang baamohedi ba ditaba - ho hlaloswa bohle ba amohelang ditaba/tlhahisoleseding ka ho bala kapa ho mamela seo sebui kapa mongodi wa tema a nehelanang ka sona bathahaselli - batho ba nang le seabo kapa kgahleho ntlheng tse itseng haholo ya hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang boeletsa - ho boela o pheta/etsa ntho hape kapa ka makgetlo boikgopotso - ke sengolwa se hlahiswang ka tsela ya tlaleho ha ho lekolwa kapa ho okola tsa bohlokwa feela ka ho hong ho itseng, e ka ba ho ikgopotsa buka e badilweng, filimi kapa ketsahalo, papadi ya kalaneng, esitana le ha e le eng kapa eng bokgoni - ke seo moithuti a kgonang ho se etsa ka mora hore a ithute se seng se itseng bolekanyetsi - tshebetso ya ho netefatsa ho bona hore mesebetsi ya tekanyetso, e seng e entswe e phethilwe e phethilwe ka tokaka ho latela dintlha tsa motheo tsa tekanyetso ka tshwanelo botemengata - tsebo ya dipuo tse ding tsa tlatsetso ntle le tsebo ya puo ya lapeng didumatshwano - ke mantswe a mabedi a nang le medumo e tshwanang, empa meelelo yona e fapane, jwaloka 'thaba' dipolelong tsena; re a thaba ha le sebeditse hantle dihlahlahlobong; re hlwele thaba dikahare - tse fuperweng ka hare ho ho hong, e ka ba ka hare ho tokomane, buka, tema, jwalojwalo dikala tsa ho lekanyetsa - ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka a kapa b) kapa ntlha jwalo ka 5/10 kapa 50% le hlaloswang ka botlalo dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato diruburiki - ke mefuta ya dikala e supang dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, mme e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng a pontsho ya ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang dikgato - mehato e fapaneng e sebediswang ho supa maemo a tshebetso ao moithuti a leng ho ona, jwalo ka a sebediswang sekaleng sa tekanyetso se supang dikgato (ruburiking)dinoutsu - dintlha tse itshetlehileng hodima taba e itseng, tse e hlakisang le ho e hlalosa ka botlalo diphetho tsa ho Ithuta- ke tlhaloso eo ho nehelanwang ka yona e bolelang seo moithuti a lokelang ho se tseba, ho kgona ho se etsa kapa ho se fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme di theilwe diphethong tse hlokolosi le diphetho tse ntshetsang pele ditema tsa mannete - ditema tse nang le mesebetsi e ka etswang kapa ho sebediswa e seng tse itshetlehileng dingolweng jwalo ka makasine, ditaba tsa koranta, dipehelo ho tswa seyalemoyeng le thelebishene, dipapatso, dileibole tsa dihlahiswa diborutjhara tsa maeto, diforomo tsa semmuso, mehlala ya mangolo a nnete ditema tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano - ditema tse fumanwang mefuteng e fapaneng ya disebediswa, tse kang dithelevishene, difilimi jj ditshita - dintho tse sitisang hore tse tshwanelang ho etswa di se kgone ho etsahala hlalosa moelelo - ho badisisa ka maikutlo le ka maikemisetso a ho fihlella moelelo o hlahiswang temeng hlokolosi - ntho ya bohlokwa hlwaya - ho qoholla ka boqhetseke ntho e nngwe ka hara tse ding ho ba sedi - ho ela hloko ho se utlwise maikutlo a batho ba bang bohloko ho hlaola diphoso - bokgoni ba ho elellwa ho hlwaya le ho ntsha diphoso tse teng temeng, mme di bile di lokiswa ka maikemisetso a ho ntlafatsa ho boha - ho sheba/shebella kapa ho tadima setshwantsho/mofuta wa tema e sa ngolwang ka mantswe empa ho sebedisitswe setshwantsho jwalo ka khatunu, le ha e le foto kapa setshwantsho se jwang kapa jwang feela ho ikutlwahatsa (boikutlwahatso) - ke tsebo le bokgoni ba moithuti ba ho hlahisa le ho tsebisahatsa mehopolo, menahano le maikutlo a hae ka tshwanelo le ka nepo le ka tsela eo basebedisi ba bang ba puo ba tlang ho kgona le ho utlwisisa seo a se buang kapa a se ngolang ho ngola ka bolokolohi - ha baithuti ba fuwa monyetla wa ho ngola seo ba ratang ho se ngola ntle le hore ba tshwenyehe ka ho etsa diphoso. baithuti ba kgothaletswa ho ngola hangata ka moo ba ka kgonang ka teng ho okola - ho bala tema ka pele ka sepheo sa ho fumana feela mohopolo/mehopolo e akaretsang seo moithuti a balang ka sona, jwalo ka ho lekola mehopolo ya sehlooho ho ruteha - bokgoni ba ho bala le ho sebedisa tlhahisoleseding le ho ngola mabakeng a tse fapaneng.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele jakone (jargon) - puo e ikgethang e sebediswang mamemong a ikgethang a kang a kgwebo kapa porofeshene e itseng; ha puo ena e sebediswa ka tsela e sa tsotelleng bamamedi ba ditaba/babadi e ba e ama bao hampe. ka nepo (accurately) - ho etsa ho itseng ka tsepamo e phethahetseng, ho se le phoso e nyenyane ka nepahalo (correctly) - ho etsa ho itseng hantle, le ha ho sa tsepama hakaalo, feela e le ho batlahalang katamelo /tshwano - phumaneho ya ho tshwana dinthong tseo hangata di bonwang di fapane kelohloko - bokgoni ba ho ipeha maemong a motho e mong, ho etsa se itseng ka kutlwelobohloko kenyeletso ya bohle - tlhahiso ya maemo thutong ao ho ona ho kenyeletswang bohle mefuta yohle ya baithuti, ho kenyeletswa le ba nang le ditlhoko tse ikgethang jwalo ka baithuti ba nang le ditshita tse fapaneng tse ba sitisang ho ka ithuta ka tshwanelo le ka bolokolohi kganyetsano - hlahiso ya mehopolo e mmedi e hanetsanang ka ho lekana kgato - mosebetsi kapa bokgoni bo bontshang hore tsebo keya maemo a tlaase kapa a hodimo kgetholla - ho hlahisa le ho bontsha phapano dipakeng /hara dintho tse ka ho totobatsa dintlha tse etsang phapano eo kgohlano - tsela eo qaka e hlahellang ka yona dingolweng kgokahano (coherence) - ke kamano e bopang kutlwisiso ya dikgopolo ebile e fana ka kopanyo ya temana tsa seratswana kgokahanyo - ke ntlhatheo ya sehlooho ya ho rala tlaleho ya kharikhulamo ya naha, e hlokang hore baithuti ba sebedise tsebo le bokgoni ho tswa tikolohong tse ding tsa ho ithuta kapa ho tswa dikarolong tse fapaneng tsa tikoloho e le nngwe ya ho ithuta bakeng sa ho ntshetsa pele mosebetsi le diketsahalo lebotsi - ke leano le sebediswang puong moo sebui / sengodi se botsang potso ka sepheo sa ho ngoka kapa ho hohela baamohedi ba ditaba leeme - tlwaelo ya ho ho kgetholla ntho e nngwe hara tse ding ka ntle le ho tadima dintlha hantle kapa ka tsela e nepahetseng leetsisa - ke mokgabiso puo oo ho ona ho sebediswang medumop ya mantswe ho kgwephetsa meelelo ya ona, mme leetsisa le bopa ditshwantsho tse hlakileng tsa tseo ho buuwang ka tsona lehokedi - lentswe le sebediswang ho kopanya mantswe, dipolelo le dipolelwana tse pedi lekola - lentswe lena le sebedisitswe haholo ho bolela ho lekanya tshebetso ya moithuti kapa ho bona kgato eo a leng ho yona ka bokgoni le tsebo tseo a seng a di bokelletse lenanetsamaiso la ho ithuta - ke tokomane e nehelanang ka tataiso ya ho ithuta le tekanyetso tse lokelang ho etswa nakong ya dilemo tse tharo Mokgahlelong waThuto le Thupello e Tswellang lelatodi - lentswe le nang le tlhaloso e fapaneng ho lentswe le leng, mohlala: ho thaba ho hlonama lenanenetefatso - lenane la dintho tse hlokehang/tse tshwanetseng ho etswa kapa dintlha tse lokelang ho elwa hloko lengolo la ntshetsopele ya thuto le thupello (dikolong) - ke lengolo la bopaki le bontshang hore baithuti ba atlehile ho fihlella dintlha kapa matshwao ao ka ona ho ka thweng ba atlehile thutong e itseng lepata - ke mokgabiso puo oo ho ona moelelo o itseng o matlafatswang ka ho o latola jwalo kaha eka ho patwa seo e hlileng e leng sona, jwalo ka mona, ngwetsi ya rona e ne e sa ota le kgale ha e fihla mona lapeng letshwao - ntho e emang kapa e emelang ntho e itseng (mohlala: nonyana ke letshwao la kgotso) letso - lentswe le fumanweng kapa ho hlaha ho tswa ho le leng kapa ho tswa motsong maemo a tekanyetso - tsohle tseo moithuti a lokelang ho di tseba le ho kgona ho di etsa, tse kenyeleditseng bokgoni, tsebo, makgabane le tjhadimo ya ditaba maemo a tse ithutwang - tema efe kapa efe e hlahiswa le ho sebedisetswa maemo a itseng.
ke tshebediso ya puo moo sebui se sebedisang puo e nngwe ho pata moelelo wa seo a se buang ka nnete tshebediso ya puo ka tsela ya ho akanya ho itseng empa ya sebedisang puo a sa topalla boikutlwahatsong ba hae moelelo o ritsitseng - moelelo oo e seng wa sethato, empa wa bobedi oo lentswe le ka bang le ona.
moelelo wa sebolelwa - moelelo wa sethato wa lentswe mokgwa wa boinahanelo - mokgwa wa boinahanelo o sebediswang haholo ke baithuti dithutong tsohle ha ba akanya, qapa mokgahlelo - ke nako ya dilemo tse tharo tsa ho ithuta, ho tloha kereiting ya leshome ho isa ho ya leshome le metso e mmedi mokgwa - ke tsela eo mosebetsi o etswang ka yona mokgwakatamelo - ke mokgwa le tsela ya ho ruta o kenyeleditseng mawa a hlophisitsweng ka tatellano le ka tshwanelo jwalo ka ho tadima diphetho tse lokelang ho fihlellwa, moithuti eo e leng yena ya bohareng ba diketsahalo tsa ho ruta le ho rutwa, j.j mokotaba - sehlooho seo motho a ngolang, ho bua kapa ho nahana ka sona momahano (cohesion) - ketso ya ho hlahisa tshwarahano ya mehopolo e hlahamanang ka tatellano e tsamaellalang ka ho phethahala hoo e hlahisang moelelo(thlalohanyo) o utlwahalang ka phethahalo mopeletotshwano - ke mantswe a mabedi a peletwang ka tsela e tshwanang, empa a fapana ka modumo le moelelo.
phapano e itshetlehile haholo hodima modumo, jwalo ka ho ana, taba le taba, mohlala: Taba ya hore Samina o imme ya nyarosa Kgwapo mmele.
ntlha eo mmui/mongodi a e emelang le ho e tshehetsa ka mabaka dipuisanong/bongoding.
qeto eo moithuti a e etsang mabapi le hore o tla pheta ditaba tsa hae a le boemong ba mmui kapa ba mmuuwa poeletso - ke mokgabiso puo o fumanwang hangata dithothokisong moo sethothokisi se etsang phetapheto ya modumo/medumo e itseng moleng, jwalo ka poeletso ya didumannotshi (asonense) kapa ho phetwaphetwa ha didumammoho (alethereishene) qalong esitana le hara mantswe poeletso modumo - phethaphetho ya medumo ya didumammoho tse qalang tse tshwanang ka tatellano polelo sebopeho sa polelo - tsela eo polelo e bopilweng ka yona ka tshebediso ya mabopi a fapafapaneng a kenyelleditseng dikarolo tse fapaneng tsa puo, dikapolelwana, dipolelwana (dipolelwana kutu le tse ding) -dipolelonolo, dipolelotswako/kopane le dipolelomararane di bopilwe ka mabopi ana mefuta ya dipolelo - mefuta e fapafapaneny ya dipolelo tse fumanwang puong, tse kang dipehelo, dipotso, ditaelo, tse sebopehong sa tatolo, jj.
dikarolo tsa dipolelo - dikarolo tse fapaneng tse fumanwang seboehong sa polelo tse kang moetsi, ketso, moetsuwa, katoloso, jj.
polelokopane (compound sentence) - polelo e nang le moetsi kapa ketso tse fetang bonngwe polelomararane (complex) - polelo e bopilweng ka dipolelwana tse fetang bonngwe tse itshetlihileng ho polelo e jereng moelelo wa sehlooho phapano - ho se tshwane kapa ho fapana ho teng dipakeng tsa dintho/dintlha tse itseng phelekanyetso - ke ho se utlwahale hantle ha polelo kapa ho ipha meelelo e fetang bonngwe ha yona ka lebaka la tshebediso e bohlaswa ya mantswe kapa ya matshwao a puo phetelo - ho pheta/ bolela taba kgetlo la bobedi kapa la boraro phuputso - thuto ya ho fumana dintlha tse ntjha le ho fumana tlhahiso leseding ka thuto ke hore ho etsa dipatlisiso popeho - tsela eo lentswe le bopilweng ka yona kapa dikarolo tse bopileng lentswe porofaele ya moithuti - rekoto-kakaretso ya moithuti, ho kenyelletswa tlhahiso-leseding ka yena potefoliyo - faele ya moithuti ka mong e jereng mosebetsi wa moithuti potsotherisano - puisano pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta, e mong a botsa ha e mong a araba puisano ya dihlotshwana - ke dipuisano tse etswang ka dihlotshwana moo ho lokelang mme ho tshohlwa taba e itseng puisano le ho botsana dipotso sefahleho ka sefahleho - ke monyetla o etswang hore baithuti ba dule le ho buisana ba tadimane mahlong moo sebaka se etswang sa ho botsa dipotso le ho di araba, jwalo ka ha ho etswa ha motho a ile ho batla mosebetsi puo e hlohleletsang - puo e susumeletsang mmadi/momamedi ho etsa ho itseng kapa ho nka qeto e itseng, jwalo ka puo e sebediswang dipapatsong kapa e sebediswang ke boradipolotiki puo e hlohlelletsang e sena bonnete - puo eo mmui a e sebedisang ka bohlale ho hlohlelletsa bamamedi mme e se na bonnete puo e kgethang lehlakore - puo e nang le tshekamelo e itseng kapa e kgethollang puo e lahlehisang - puo e nang le tshekamelo e itseng empa e lahlehisang ka sepheo puo e susumetsang - puo e tsosolosang maikutlo a matla kapa e fehlang maikutlo puo e sebediswang ho bua ka thuto ya puo - puo e sebedisang tlotlontswe, leetsi, poloto, lebitso, lehlalosi j.j puo e sebediswang ho hlalosa puo - puo e sebediswang tikolohong ena ya ho ithuta - dipuo - e sebedisa tlotlontswe e hlalosang puo e sebediswang thutong ena, e jwalo ka "moelelong", " setaele", "poloto", "puisano"le mantswe a mang a mangatapuo e thekenikale - puo/mantswe a ikgethileng a sebediswang dithutong kapa mesebetsing e itseng; hangatatlotlontswe ya teng ha se ya puo ya ka mehla, mohlala: webo ya khomputara.
puo ya bohlale - puo eo ho yona moelelo wa sethatho wa tshebediso ya puo o ritsitseng hoo ho seng ho hlahella moelelo o motjha mohlala: ngwana enwa ha a nka fatshe, o futsite puo ya lapeng - ke puo ya pele e akaretsang tikoloho eo moithuti a holelang ka hara yona, e leng ka lapeng le/kapa motseng wa habo, mme ke yona ya pele eo a ithutang yona. ha ho kgoneha puo tse fetang bonngwe di ka sebediswa ka tsela ena, hona ho bolela hore baithuti ba bang ba ka ba le puo tsa lapeng tse fetang bonngwe puo ya ho ithuta le ho ruta - ke puo e sebediswang haholo tikolohong e itseng ya ho ithuta le ho ruta.
puo ya maikutlo - puo e nang le tshusumetso kapa tlhohlelletso ya maikutlo a matla haholo puo ya sehlotshwana se itseng - puo e sa phethahalang hantle hakaalo ka tlotlontswe ya teng e sa tlwaelehang, mme e buuwang ke batho ba korolwana e itseng puo ya tlatsetso - puo e nngwe eo moithuti a ithutang yona ntle le puo ya hae ya lapeng qatsohiso - ke bonono kapa bokgeleke bo sebediswang ho hlakisa moelelo ka tsela ya ho etsa hore se neng se ke ke sa elellweha kapa sa hatelleha, se hatellehe kapa se qatsohe sehalo - paterone ya ho phahama le ho nyoloha ha lentswe e nang le seabo moelelong wa polelo sehlahiswa se phethetsweng (final product) - sephetho se hlahiswang ke moithuti qetellong ka mora hore a hlahise meralo e kgwariditsweng e fapafapaneng mme se se se hlwatlwe le ho hlaolwa diphoso tse neng di le teng, se se se phethahetse sehlohlolo - karolo (haholo sengolweng) e hohelang, e thabisang ebile e na le tshusumetso e matla eo hangata e atamelang ho ya pheletsong ya ditaba sekaseka - mokgwa wa ho lekola ka botebo e le ho tshwaya diphoso tseo e bang di hlahella diketsahalong semorafe/bomorafe - dintlha tse amanang le morafe jwalo ka: mesebetsi, dipuo, tumelo, ekonomi, boitshwaro j.j semmuso - ntho e ka tlasa taolo ya molao sephetho - ditlamorao tsa ketsahalo sesosa - se fanang ka tlhahiso ya ketsahalo kapa mabaka setefikeiti - lengolo la bopaki leo moithuti a le fumanang qetellong ya mokgahlelo wa ntshetsopele ya thuto le thupello tekanyetso e tswellang - ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto e hodima ho ithuta ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng nakong ya ho ithuta tekanyetso/ ho lekanyetsa - ke hlahlobo e nang le dikgato tse tswelang pele eo ka yona ho bokellwang le ho toloka bopaki ba tshebetso ya moithuti e le hore ho tle ho nehelanwe ka qeto e hlalosang bokgoni ba hae ha bo bapiswa le Maemo a Tekanyetso tekanyetso e ribollang ditshita tsa ho ithuta - e sebediswa ho sibolla mathata a ho ithuta a baithuti tekanyetso ya motheo - ke hlahlobo e sebeditswang ho totobatsa seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba mmoho le bokgoni ba bona.
<fn>Sesotho 2nd Language.txt</fn>
Tokomane ena ke leano mme e arotswe ka dikgaolo tse nne. Ho bohlokwa hore mmadi a hokele mmoho tlhahisoleseding e hlahang dikarolong tse fapaneng tsa tokomane ena. Dikahare tsa kgaolo e nngwe le e nngwe di hlaloswa mona ka tlase.
Kgaolo ena e hlalosa dintlhatheo le matshwao a moralo a Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). E fana ka selelekela sa kharikhulamo ho mmadi.
Kgaolo ena e nehelana ka tlhaloso, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi mmoho le Diphetho tsa ho ithuta tsa Lekala ya ho Ithuta la Dipuo. E atametsa mmadi dintlheng tse amang Dipuo.
Kgaolo ena e kenyeleditse Maemo a Tekanyetso a Sephetho sa ho Ithuta ka seng mmoho le dikahare le maemo a tse ithutwang a thuto ena. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka tsela e tataisang mobadi ho bona kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12. Ka hoo Maemo a Tekanyetso a adilwe maqepheng a mabedi ka tatellano. Qetellong ya kgaolo ho behilwe dikahare le maemo a tse ithutwang tse ka sebediswang ho ruta, ho ithuta le ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ena e nehelana ka tsela e akaretsang ya ho etsa tekanyetso e akanngwang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha. Qetellong ya kgaolo ho na le lenane la ditlhaloso tsa bokgoni tsa thuto ena. Lenane le hlahisa dikgato, sekala le ditlhaloso tsa bokgoni tsa kereite ka nngwe. Ditlhaloso tsa Bokgoni di hlophisitswe ka tsela e bontshang kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12.
Kananelo ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) e nehelana ka motheo wa diphetoho tsa kharikhulamo le kahobotjha mona Aforika Borwa.
aha Aforika Borwa e kopaneng le e itshetlehileng demokerasing, e kgonang ho ipeha boemong bo loketseng ba matjhaba jwalo ka mmuso o ikemetseng.
Molaotheo o boela o totobatsa hore "motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ntshetsa pele thuto, mme Mmuso o lokela ho etsa matsapa a hore thuto eo e fumanehe mothong e mong le e mong, ka tsela e kgonahalang le e ntshetsang pele".
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se beha motheo oo ka ona sena se ka fihlellwang, ka ho hlalosa Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekanyetso, mmoho le ho qaqisa metheo le makgabane tseo kharikhulamo e theilweng hodima tsona.
kananelo ya tsamaiso ya tsebo ya selehae le mahlale a kgale; le kamohelo, boleng le phethahatso.
Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) o bopa motheo oo ka ona phetoho phedisanong e tliswang setjhabeng ka mora nako ya kgethollo. Tlhokeho ya ho tlisa diphetoho setjhabeng sa Aforika Borwa ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng e bakwa haholo ke teko ya ho lokisa bosoro bo bakilweng ke puso ya kgethollo dikarolong tsohle tsa maphelo a batho, haholoholo thutong. Maikemisetso ka diphetoho ho tsa phedisano thutong ke ho netefatsa hore bosiyo ba tekatekano bo bileng teng thutong ka nako e fetileng bo a lokiswa, le ho hlahisa menyetla ya thuto dikarolong tsohle tsa setjhaba. Haeba diphetoho tsa phedisano di ka fihlellwa, baahi bohle ba Aforika Borwa ba lokelwa ho tiisetswa thutong ka ho elellwa bokgoni ba bona le ka ho tlosa ditshita tseo e leng tsa maiketsetso tse sitisang ho ka fihlella mangolo a thuto.
Thuto e theilweng diphethong ke motheo wa Kharikhulamo ya Aforika Borwa. Thuto e theilweng diphethong e tsitlallela ho neha baithuti bohle monyetla wa ho fihlella sehlohlolo sa bokgoni ba bona ba ho ka ithuta ka ho beha Diphetho tsa ho Ithuta tseo baithuti ba lokelang ho di fihlella qetellong ya ho ithuta ha bona. Thuto e theilweng diphethong e kgothaletsa mokgwakatamelo o itshetlehileng moithuting le hodima diketsahalo thutong. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se bopa Diphetho tsa ho Ithuta tsa dikereite tsa 10 - 12 tse theilweng Diphethong tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse kgothaleditsweng ke Molaotheo le tsamaiso ya demokerasi.
sebedisa mahlale le thekenoloji ka bokgoni le ho bontsha ka tshwanelo boikarabelo tikolohong le bophelong bo botle ba batho ba bang; le ho bontsha kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka diketsahalo tse nang le kgokahano, ka ho elellwa hore tharollo ya bothata ha e tadingwe e le nngwe feela jwalo ka karolo ya setho se feletseng sa mmele.
utulla menyetla ya thuto le ya mesebetsi; le ho ntshetsa pele menyetla bothehing ba dikgwebo.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho bopa tsebo le bokgoni tse maemong a phahameng tsa baithuti. E theha ditebello tseo baithuti ba Aforika Borwa ba lokelang ho di fihlella. Toka ho tsa phedisano e hloka hore dikarolo tse ding tsa setjhaba tse neng di fokodiswa ka ho hanelwa ka tsebo le bokgoni di matlafatswe. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se totobatsa boemo ba tsebo le bokgoni tseo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme se beha le ho etsa dipehelo tse boemong bo hodimo tse lokelang ho fihlellwa dithutong tsohle.
Nyalanyo e fihlellwa dithutong tsohle le ditikolohong tsa ho ithuta. Nyalano ya tsebo le bokgoni ho habahanya le dithuto le tikoloho ya mosebetsi di hlokolosi ho fihlella boitshupo ba bokgoni ba tshebetso jwalo ka ha bo hlaloswa ka hara Moralo wa Mangolo a Thuto. Tshebediso ya bokgoni e reretswe ho ka nyalanya mefuta e meraro e ikgethang ya bokgoni, e leng, tshebetso ya matsoho, bokgoni ba motheo le ba ho nahana. Ha ho tliswa nyalano le bokgoni ba tshebediso ya ditho tsa mmele, Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho ntshetsa pele mokgwakatamelo wa ho ithuta ka ho nyalanya tsebo ya hore ntho e etswa jwang, tsebo ya ho etsa ntho ka matsoho mmoho le bokgoni ba ho nahana.
Kgatelopele e bolela tshebetso ya ho bopa le ho ntshetsa pele tsebo e tswetseng pele le e raraheneng ka ho phethahala mmoho le bokgoni. Ditatemente tsa Dithuto di bontsha kgatelopele e teng ho tloha kereiteng e nngwe ho ya ho e nngwe. Sephetho sa ho Ithuta se seng le se seng se latelwa ke tlhaloso e hlakileng ya phihlello ya bokgoni bo lebeletsweng sephethong ka seng. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka sebopeho se bontshang dikgato tse supang kgolo e tswelang pele ya bokgoni bo lebelletsweng kereiting e nngwe le e nngwe. Dikahare le maemo a tse ithutwang tsa kereite ka nngwe le tsona di tla bontsha kgolo ho tloha ho tse bonolo ho isa ho tse rarahaneng.
Ka kamano ho bolelwa kgokahano e teng dipakeng tsa mangolo a thuto a dikgatong kapa mekgahlelong e fapaneng e teng Moralong wa Mangolo a Thuto a Naha e nehelanang ka kamohelo mangolong a mang a thuto. Sena se bohlokwa haholo ha ho tluwa mangolong a thuto a welang lekaleng le le leng la thuto. Ka ha mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o tsepetswe dipakeng tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, ho bohlokwa hore Lengolo la mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) le amanngwe le Lengolo la Thuto le Thupello e Akaretsang, le mangolo a thuto a welang makaleng a tshwanang a Thuto e Phahameng. Hore ho tle ho kgonahale ho fihlella kamano ena, popo ya Setatemente sa Thuto se seng le se seng e kenyeleditse tekolo ya ditlhoko e lebelletsweng qetellong ya Dikolo tsa ho Ithuta tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang, le seo ho nkuwang hore se lokelwa ho ithutwa sethatong sa kgato ya ho kena dithutong tse nang le kamano tsa mokgahlelo wa Thuto e Phahameng.
Thwaleho e bolela kgonahalo ya ho ka fetisetsa dikarolwana tsa mangolo a thuto tse itseng (dithuto kapa karolwana feela) ho mangolo a mang a sele ha feela di wela lekaleng la ho ithuta le le leng la mokgahlelo wa Moralo wa Mangolo a Thuto. Mekgwa e fapaneng ya ho bebofatsa phetolelo ya dithuto tse ka fihlellwang dikereiting tsa 10 - 12 e sebedisitswe, thuto e lekanngwa le Maemo a Tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse 20. Dithuto tse akaretswang tlasa Setatemente sa Kharikhulumo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di bapisitswe le dikarolwana tsa maemo a tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse tshwanetseng tse ngodisitsweng Moralong wa Mangolo a Thuto. Ditokelo tsa botho, kenyeletso ya bohle, toka ho tsa tikoloho le ho tsa phedisano.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se leka ho ntshetsa pele ditokelo tsa botho, toka ho tsa phedisano le ho tsa tikoloho. Ditatemente tsa dithuto tsohle tse ntjha di ahelletse ka hare ho tsona metheo le mekgwatshebetso e kenyeleditseng toka ho tsa phedisano le tikoloho mmoho le ditokelo tsa botho jwalo ka ha di hlalositswe Molaotheong wa Repaboliki ya Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se batla se le sedi haholo dintlheng tse amanang le phapano, tse jwalo ka bofutsana, tlhokeho ya tekatekano, semorabe, kgethollo ya bong, puo, boholo (dilemo), ho se itekanele le dintlha tse ding.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se kgetha ho nka mokgwakatamelo o kenyeletsang tsohle ka ho qolla ditlhoko tse tlasetlase tseo baithuti bohle ba lokelang ho di fihlella. Se ananela ntlha ya hore baithuti bohle ba lokela ho nehwa monyetla wa ho ntlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni bohle ba bona ha feela ba fumantshwa tshehetso yohle. Ditlhoko tsa moithuti tsa kelello, tsa phedisano, tsa maikutlo, tsa semoya, le tsa mmele di elwa hloko ha ho ralwa le ho bopa Lenanetsamaiso la ho Ithuta le ka tshebediso e loketseng ya disebediswa tsa ho lekanyetsa.
Ka dilemo tsa bo 1960 kgopolo ya 'bokgoni ba mahlale a mekga e mengata' e ile ya tlama ditsebi tsa thuto ho elellwa hore ho ne ho na le ditsela tse ngata tsa ho sekasekana le tlhahisoleseding, e le ho hlahisa dintlha le ho etsa moelelo wa lefatshe, mme hoo, haeba motho o lokela ho hlalosa bohlale botjha, mekgwakatamelo ena e lokelwa ho nkelwa hloohong. Ho fihlela nakong eo, Lefatshe la Bophiremela le ne le ananela, jwalo ka bohlale bo amohelehileng, tlhahlamano ya dikgopolo, tsebo ya dipalo le bokgoni ba puo, mme batho ba ne ba nkuwa hore ba 'bohlale' ha feela ba ne ba itshupa ka tsela ena.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi fapaneng tsa tsebo tseo ka tsona batho ba etsang moelelo le ho bona bohlokwa, le ho amahanya sena le lefatshe leo ba phelang ho lona ka tsona. Moelelo wa tsamaiso ya tsebo le lehae le mahlale a kgale mona Aforika Borwa o hlalosa pokello ya tsebo e fuperweng ka hara mohopolo le ditumelo tsa seAforika wa kutlwisiso ya bophelo mmoho le ditsela tsa ho etsa dintho o ile wa fetofetoha ka nako ya dilemo tse balwang ka dikete. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 -- 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se hlahisitswe ka tsela e kenyeletsang tsamaiso ya tsebo ya lehae le mahlale a kgale Ditatementeng tsa Thuto. Se ananela nalane le lefa la naha ena mmoho le seabo sa yona jwalo ka e meng ya mehlodi ya diphetoho ho thusa ho bopa makgabane a kenyeleditsweng ka hara Molaotheo. Ho lekilwe ka hohlehohle ho kenyeletsa ditjhadimo tse fapaneng ho thusa ho fumana tharollo ditikolohong tsohle tsa ho ithuta.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho amoheleha ho latela lenane la diphetoho le ka nehelanang ka thuto e ka bapiswang ka boleng, bophara le botebo le ya dinaha tse ding. Tiisetso ya boleng e lokela ho laolwa ho ya ka ditlhoko tse behilweng ke Molao wa Lekgotla la Bolaodi ba Mangolo a Thuto la Aforika Borwa (Molao wa 58 wa 1995), Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng ba Thuto le Thupello, le Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng wa Mekgahlelo ya Thuto le Thupello e Akaretsang le wa e Tswellang (wa 2001).
Mofuta wa moithuti ya lebelletsweng ke ya tla bodulelwa moya ka tsa boiphediso/makgabane, mme o tla etsa tsohle molemong wa setjhaba a itshetlehile hodima tlhompho ya demokerasi, tekatekano, seriti sa botho, mmoho le toka ho tsa phedisano jwalo ka ha ho hlaloswa Molaotheong.
Moithuti ya tla hlahiswa ke mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o lokela ho bontsha phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse seng di hlalositswe pejana qalehong ya tokomane ena. Dithuto tse welang Mokgeng wa tse Tlamang kaofela di ntshetsa pele phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele, ha dithuto tse itseng tse welang Mokgahlelong wa tse Ntshetsang pele tsona ka bonngwe di thusa phihlellong ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse itseng.
kgona ho fetisetsa bokgoni ba hae ho tloha maemong a tlwaelehileng ho isa ho a sa tlwaelehang.
Matitjhere le bohle ba nang le kamano ho tsa thuto ba na le seabo sa bohlokwa diphetohong tse etswang thutong Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se labalabela matitjhere a nang le mangolo a hodimo a thuto, a nang le bokgoni, a nang le maikemisetso, mme a tsotellang. A tla kgona ho phethatsa dikarolo tse fapaneng tsa boikarabelo bo hlalositsweng bukaneng ya Melawana le Maemo a Tshebetso ya Bohle ba amanang le Thuto. E kenyeletsa ho ba motataisi thutong, ya hlalosang, le ya ralang lenanetsamaiso la thuto mmoho le dithusathuto tse ding; baetellipele, bahlophisi ba tsamaiso le balaodi; baetsadipatlisiso le baithuti ba ka nako tsohle; ditho tsa setjhaba; baahi le baruti, balekodi; mmoho le ditsebi tsa dithuto tse itseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se bopilwe ka tokomane ya Tjhebokakaretso, Moralo wa Leano la Mangolo a Thuto la Maemo a Tekanyetso, le Ditatemente tsa Dithuto.
Dithuto tse akaretswang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di arotswe ho ya ka Makala a ho Ithuta.
Tikoloho ya ho ithuta ke eng?
Tikoloho ya ho ithuta ke mokga o sebetsang jwalo ka pokello ya dithuto tse nang le kamano e itseng, e bebofatsang ketso ya melawana e isang pokellong e jwalo Lengolong la Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ho arolwa ha Ditikoloho tsa ho Ithuta dikereiteng tsa 10 - 12 ho fadimehetse ntlha ya thwaleho mabapi le mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, mmoho le morero wa tlhophiso wa dinaha tse ding.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi motheo, ho lokelwa ho toboketswe hore makalago a tlhophiso a leshome le metso e mmedi ha se Ditikoloho tsa ho Ithuta kapa 'tsebo', empa a mpa a hoketswe le mekga e fapaneng ya makala a mesebetsi.
Thuto ke eng?
Thuto ha e sa le e hlaloswa, ho tloha kgale, e le pokello ya 'tsebo' e itseng ho tsa ho ithuta. Tsebo ena e ne e etsa toboketso e seng kae hodima bokgoni, tsa boitshwaro setjhabeng le maikutlo kapa tjhadimo. Hape di ne di sehetswe meedi e thata dipakeng tsa tsona. Hangata dithuto di ne di toboketsa seabo sa tsebo se hlahang Bophiremela.
(Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) meedi ya dithuto e lerotho. Tsebo e hokahantswe le seo e leng kgopolo ya ho etsa, bokgoni le tsa makgabane boitshwarong. Dithuto di tadingwa di na le sebopeho sa ho fetofetoha, mme di bile di hlohleletswa ke tsebo e ntjha e batsi, ho kenyeleditswe tsebo eo ka tlwaelo e sa le e qheletswe ka thoko kharikhulamong.
Ho ya ka kharikhulamu e theilweng diphethong, thuto e hlaloswa ka tsela e batsi ka Diphetho tsa ho Ithuta, e seng feela ka pokello ya se rutwang/dikahare. Ho ya ka moelelo wa mona Aforika Borwa, Diphetho tsa ho Ithuta di lokela, ho ya ka moo di radilweng ka teng, ho re tataisa ho fihlella Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele. Diphetho tsa ho Ithuta di hlaloswa ka tsela e batsi, mme di bonolo le ho fetofetoha, mme di nehelana ka sebaka sa ho kenyeletsa tsebo ya lehae.
Sephetho sa ho Ithuta ke eng?
Sephetho sa ho Ithuta ke setatemente se hlalosang sephetho sa maikemisetso a ho ithuta le ho ruta. Se hlalosa tsebo, bokgoni le tsa boitshwaro/makgabane ao baithuti ba lokelang ho a fihlella ha ba fihla qetellong ya Mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang.
Maemo a Tekanyetso ke eng?
Maemo a Tekanyetso ke tsela e akaretsang eo ho nehelanwang ka bopaki bo supang seo moithuti a se tsebang le ho kgona ho ka se etsa e le pontsho ya phihlello ya hae ya Sephetho sa ho Ithuta kereiting tse itseng.
Ithuta. Maemo a Tekanyetso Sephethong sa ho Ithuta ka seng a bontsha ka ho akaretsa kgolo e etsahalang kelellong ho tloha kereiting e nngwe ho ya ho e nngwe.
Kgaolo ya 1, Tlhahiso ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha: Kgaolo ena e akaretsang e hlalosa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Lekala la ho Ithuta la kakaretso).
Kgaolo ya 2, Tsebiso ya Lekala la ho Ithuta la Dipuo: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa sehlooho tsa thuto. E bopilwe ka tlhaloso ya thuto, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi e fapaneng, mmoho le Diphetho tsa ho Ithuta.
Kgaolo ya 3, Diphetho tsa ho Ithuta, Maemo a Tekanyetso, Dikahare le Maemo a tse ithutwang: Kgaolo ena e fupere Diphetho tsa ho ithuta tse tsamaisanang le Maemo a Tekanyetso a tsona, mmoho le dikahare le Maemo a tse ithutwang ka sepheo sa ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ya 4, Tekanyetso: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa motheo tseo tekanyetso e itshetlehileng hodima tsona, mme e nehelana ka ditlhahiso mabapi le ho rekota le ho etsa tlaleho ka Tekanyetso. Hape e nehelana ka lenane la ditlhaloso tsa bokgoni thutong.
Lenanetlhaloso la mantswe: Moo ho kgonahalang, ho hlalositswe ka bokgutshwane lenane la mantswe a itseng hammoho le mantswe a ikgethileng thutong.
Lenanetsamaiso la ho ithuta le hlalosa ka ho kgetheha tekanyo ya ho ithuta le tekanyetso ya dikereite tse tharo tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang. Ke moralo o netefatsang hore baithuti ba ipapisa le Diphetho tsa ho ithuta jwalo ka ha di beilwe maemong a Tekanyetso kereiting e itseng. Tataiso tsa Lenanetsamaiso la ho Ithuta di thusa matitjhere le bahlahisi ba bang ba mananetsamaiso ha ho lokisetswa le ho ralwa ho ithuta ho nang le boleng, ho ruta le mananetsamaiso a tekanyetso.
Puo ke sesebediswa seo ka sona re buisanang le ho hlahisa mehopolo ya rona ka yona. Ka puo re kgona ho hodisa le ho totobatsa ditso le dikamano tsa rona tsa ho phela tse fapaneng. Ho ithuta ho sebedisa puo ka nepahalo ho neha baithuti bokgoni ba ho nahana le ho amohela tsebo, ho itsebahatsa le ho utlwahatsa maikutlo le mehopolo ya bona esita le ho phedisana mmoho le ba bang, ho feta moo le ho tsamaisa maphelo a bona ka tshwanelo lefatsheng leo ba phelang ho lona.
Ho ya ka phapano ya ditso le ya dipuo tse teng Aforika Borwa, baahi ba naha ena ba kgothaletswa ho ithuta le ho buisana ka dipuo tse buuwang ka hara naha ho hlohlelletsa mamellano le kutlwisiso le tlhompho ya ditso le dipuo tse fapaneng. Phapano e teng dipuong tsa Aforika Borwa e amohetswe le ho tlotlwa Molaotheong wa naha ka ho amohela dipuo tsa semmuso tse 11 le Leanong la Puo Thutong la ho tseba dipuo tse ngata. Baithuti ba tlameha ho kenyeletsa bonyane dipuo tse pedi mokgeng wa dithuto tse Tlamang mme dipuo tse ding di ka kgethwa ho tswa mokgeng wa dithuto tsa Motheo le/kapa ho tsa Boikgethelo.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, tsebo e tebileng ya puo ya lapeng ya baithuti e a hodiswa le ho ntshetswa pele, mme e ba neha motheo o tiileng wa ho ka ithuta puo tse ding tseo e seng tsa lapeng. Ha baithuti ba fihla kereiting ya 10, ho ka etsahala hore ba tla be ba se ba ile ba utulla le ho ba le boiphihlelo bo itseng ba dipuo tsa tlatsetso, mme ba bang ba bona ba tla be ba se ba ile ba sebedisa puo ya tlatsetso ho ka ithuta. Kharikhulamo ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang e neha baithuti menyetla ya ho matlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni ba dipuo tse ngata. Ha baithuti ba ntse ba nyoloha le dikereite, ho hlokeha hore ba sebedise puo ka tsela e bontshang boitsebelo ba ho ikutlwahatsa le nepahalo ya puo bo eketsehileng maemong a fapaneng. Ba lokela ho ba le boikarabelo ho ithuta le ho sebedisa bokgoni ba bona ba puo ka tsela e phepetsang le e rarahaneng.
Boitemohelo bo fapaneng bo a hlokeha ba ho ba le seabo setjhabeng, mosebetsing mmoho le moruong wa lefatshe ka bophara wa ngwahakgolo wa 21, bo atolohile haholo ebile ha bo sa kenyeletsa feela ho mamela, ho bua, ho bala, ho ngola le neheletsano/phethelo ya molomo tsa boholoholo. Bo se bo kenyeletsa boitemohelo ho tsa phatlalatso, tsa ditshwantsho, tsa tlhahisoleseding, dikhomputara, tsa setso, le boitemohelo ho tse sekasekang. Kharikhulamo ya Dipuo e lokisetsa baithuti diphepetso tseo ba tla shebana le tsona jwalo ka baahi ba Aforika Borwa le ditho tsa moruo wa lefatshe le setjhaba ka bophara ba lefatshe.
Ho atolosa le ho matlafatsa ka botebo bokgoni bo tebileng ba puo bo theilweng mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, ho kenyeleditswe bokgoni ba puo bo sa bonweng ka mahlo, empa bo hlokehang ho ithuta ho tloha sehlopheng se seng ho isa ho se seng, mmoho le kananelo ya botle dingolweng le ho natefelwa ke dingolwa, e le hore baithuti ba kgone ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ka boitshepo. Bokgoni le mokgwa ona wa ho tadima ditaba di bopa motheo wa ho ithuta ka dinako tsohle.
Ho sebedisa puo maemong a bophelo ka tshwanelo ho nketswe hloohong basebedisi ba bang ba puo, maikemisetso le maemong ao/boemong boo ho rutwang ntlha e itseng ka bona.
Ho ikutlwahatsa le ho tiisa mehopolo, le dikgopolokutlwisiso le maikutlo ka boitshepo e le hore ba be le boikemelo le hore e be batho ba kgonang ho nahana ka tsela e batsi.
Ho sebedisa puo le monahano ho bontsha le ho sibolla boiphihlelo ba botho. Ka ho sebetsana le ditema tsa boiqapelo, baithuti ba kgona ho bontsha tsela eo ba phelang ka yona le boiphihlelo ba bona esita le ho lekola botjha maikutlo a mang a lefatshe.
Ho sebedisa puo ho fihlella le ho laola tlhahisoleseding ho ithuta dithuto tse ding ka ho fapapana ka ditsela tse batsi maemong a ho ithuta. Boitemohelo tlhahisoleseding ke bokgoni ba bohlokwa 'mehleng ena ya tlhahisoleseding', mme bokgoni bona ke tshiya ya ho ithuta ka nako tsohle.
Ho sebedisa puo e le sesebediswa sa ho nahana le ho tadima ditaba ka tshekatsheko. Maikemisetso ana a bontsha le ho ananela hore tsebo e botjwa ke setjhaba ka puo le phedisano le hore puo le momahano di tsamaisana mmoho.
Ho utlwahatsa mehopolo e tiisitsweng ho tsa boitshwaro le kamano setjhabeng. Ho ka hodisa le ho ntshetsa pele tsela ya boitshwaro baithuting, baithuti ba lokela ho sebetsana le ditema tse amanang le ditokelo tsa botho, hara tsona tse kang ditokelo tsa bana, tsa basadi, ba sa itekanelang, ba tsofetseng le dintlha tse amang semorabe, setso, tumelo e theilweng hodima monahano, tlhophiso ya batho ho ya ka maemo a bona, tumelo, bong, lefu la LKB le KHM, ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi le thibelo ya diphatlalatso mmoho le tsa tikoloho.
Ho lekola ka tshekatsheko ditema tse fapaneng. Baithuti ba tla elellwa mme ba kgone ho phepetsa mehopolo, makgabane le dikamano tse itshetlehileng matleng a itseng tse fuperweng mefuteng ya ditema.
Ho elellwa ho se lekalekane ho teng maemong a dipuo tse fapaneng le ditsela tse fapaneng tsa ho sebedisa dipuo. Baithuti ba tla kgona ho phepetsa puo le ha e le tshebediso ya mofuta wa puo efe kapa efe e iketsang mmampodi hara dipuo tse ding, mme ba kgone ho eteletsa le ho ntshetsa pele tokelo ya bona ya puo setjhabeng sena se dipuo di ngata.
Ho rutwa le ho etswa ha tekanyetso dipuong ho lokela ho nehelana ka sebaka baithuting bohle, mme mawa a lokela ho fumanwa ao ka ona baithuti bohle ba ka thuswang ho ka fihlella le ho hlahisa ditema puong. Ho ka etsahala hore ba bang ba baithuti ba nang le ditshita tse itseng tsa ho ithuta ba se kgone ho fihlella Maemo a Tekanyetso jwalo ka ha a hlahella tokomaneng ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha.
Mantswe ana 'hlalosa', 'tshehetsa', 'bolela', pheta hlalosa ka tsela e nngwe, a hao', 'bua', 'ere', 'buisana hlalosa', botsa' le 'qoqa' a lokela ho utlwisiswa ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya puisano ho sebediswa mantswe le moo ho sebediswang ditshwantsho, ho kenyeleditswe le puo e sebedisang matsoho esita le dithusapuo tse ding. Ka tsela e jwalo lentswe 'puo ya molomo' le kenyeletsa le puisano tse etswang ka matsoho le disebediswa tse thusang ka puisano.
Mantswe a kang 'mamela', 'sheba', 'bala', le 'boha', ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya kgokahano e kang ho utlwisisa se bolelwang ka ho tadima ka moo motho ya buang a tsamaisang dipounama ka teng le ho tadima puo ya matsoho.
Baithuti ba nang le tshita ya ho bona ba ka hloka disebediswa le dibuka tse ka nkang sebopeho sa mongolo wa Braille, disebediswa tse kang dithaeperekoto, mongolo wa ditlhaku tse kgolo, disebediswa le ditshwantsho tse ka balwang ka ho thetswa. Mohopolo wa 'ho bonahatsa' o ka hlaloswa kapa wa hlaloswa ka diketso. Ha ho 'balwa,' ho ka sebediswa mehlodi e kang Braille le dibuka tse buang.
Ditatemente tsa dithuto tsa Puo ya Lapeng, tsa ya Tlatsetso ya Pele le tsa ya Tlatsetso ya Bobedi di ka fetolelwa dipuong tse ding tsa matjhaba tse dumeletsweng, mme dipuo tseo di ka rutwa tlasa Dithuto tse Hlokolosi kapa tsa Boikgethelo mekgeng ya Kharikhulamo.
Puo ya Lapeng: Puo ya Lapeng ya baithuti e lokela ho matlafatswa le ho ntshetswa pele ho nehelana ka motheo o matla tekong ya ho ithuta dipuo tse ding tsa tlatsetso. Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, dipuo tsa semmuso tsa Aforika Borwa di na le Diphetho tsa ho Ithuta tsa Puo ya Lapeng tsa boemo bo hodimo, tsa maemo a ka bapiswang le a botjhabatjhaba. Hona ho tsamaisana le dipehelo tsa molaotheo tse supang tekatekano ya dipuo tsohle tsa semmuso. Boemo ba kutlwisiso ba puo ya lapeng bo lokela hore bo be bo le moo puo ena e ka sebediswang jwalo ka Puo ya ho Ruta le ho Ithuta. Bokgoni ba ho mamela le ho bua bo boela bo ntshetswa pele le ho ntlafatswa, empa kgatello boemong bona e hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho bala le ho ngola ba baithuti.
Puo ya Tlatsetso ya Pele: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Pele ho ntshetsa pele tsebo ya dipuo tse ngata (botemengata) le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang.
Aforika Borwa. Hona ho kenyeletsa le bokgoni ba tshebediso ya puo bo kgopolong ba ho utlwisisa le ba ho ithuta, bo hlokehang ho nahana le ho ithuta. Sena se etsahala dipuong tsohle tsa semmuso. Ho tla ba le kgatello e lekanang hodima bokgoni ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola.
Puo ya Tlatsetso ya Bobedi: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Bobedi ho ntshetsa pele tsebo ya puo tse ngata (botemengata) mmoho le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang. Le ha bokgoni ba ho bala le ho ngola bo se bo ntsheditswe pele, boemong bona kgatello e lokela ho behwa hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho mamela le ho bua. Kgato eo Puo ya Tlatsetso ya Bobedi e leng ho yona ho lokela ho ntlafatsa bokgoni ba ho buisana.
Karolong ya Dithuto tse Tlamang ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang, baithuti bohle ba tlameha ho nka dipuo tsa semmuso tse pedi, e nngwe ya dipuo tseo e be Puo ya Lapeng ha e nngwe e lokela ho ba boemong ba Puo ya Tlatsetso ya Pele kapa ba Puo ya Lapeng. E nngwe ya dipuo tsena e tlameha ho ba Puo ya ho ithuta le ho ruta. Mekgeng ya dithuto tseTlamang le ho tsa Boikgethelo, puo tsa semmuso di ka nkuwa e le Puo ya Lapeng, Puo ya Tlatsetso ya Pele le/kapa e le Puo ya Tlatsetso ya Bobedi baithuting ba nang le thahasello e ikgethang dipuong le ntshetsong pele ya botemengata.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, dipuo di etswa tlasa Lekala la ho ithuta la Dipuo, Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, Lekala la ho ithuta la Dipuo le hokanngwa le lekala la tlhophiso la Lekgotla la Taolo ya Borutehi la Aforika Borwa: Dithuto tsa Kgokahano le Dipuo.
bokgoni ba puo ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ke metheo ya ntshetso pele ya Diphetho tsa ho Ithuta; le tshebediso ya mefuta e batsi ya ditema e neha baithuti menyetla ya ho batlisisa dintlha tse ba amang, tse amang naha ya bo bona esita le tse amang lefatshe ka bophara le ho bopa tsebo e holang ya lefatshe.
Ho ithuta dipuo ho lebisa mesebetsing e amanang le dipuo haholo, jwalo ka boqolotsi ba ditaba, phetholelo ya dipuo, ho ruta dipuo, ho phatlalatsa le ho bapatsa, boemedi ba naha naheng e nngwe, jwalojwalo. Le ha ho le jwalo, ho totobetse hore dipuo ke tsona motheo wa ho ithuta, e seng feela bophelong ba ka mehla empa esita le dibakeng tsa tshebetso. Ntshetso pele ho tsa kgwebo ho itshetlehile haholo hodima bokgoni ba puo ba moithuti. Ho kena ha moithuti lefatsheng lena la thekenoloji e hodimo ya kajeno, ho laolwa ke boiphihlelo ba hae ba puo. Puo ke thuto eo e leng motjha o lebisang ho kgetheng seo moithuti a lakatsang ho ba sona, mme haeba e rutwa ka bofokodi e ba le tshita e kgolo kgethong ya seo moithuti a lakatsang ho ba sona hamorao.
Litheresi ke motheo wa ho kgona ho phetha mesebetsi ya letsatsi le letsatsi, mme e na le seabo bokgoning ba moithuti ho tsa bophelo, e leng a se hlokang bophelong ba lefatshe. Puo ke sesebediswa se ka nolofaletsang moithuti maemo a dikamano tsa hae le batho sebakeng se haufi le yena setjhabeng, mme mokgwa oo ho sebetsanwang le puo ka ona o laola katleho kapa ho hloleha ha dikamano dipakeng tsa batho.
Tekanyo le maikemisetso tse hlalositsweng ka hodimo di tlamahantswe hammoho ho hlahisa Diphetho tsa ho ithuta tse nne. Le ha di ngotswe di arohantswe, di lokela ho nyalanngwa ha di rutwa le ha ho lekanyetswa.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba le maemo a fapaneng.
Baithuti ba utlwisisa hore ho bua le ho mamela ke ketsahalo tsa phedisano tse etsahalang maemong a itseng le ka maikemisetso a fapaneng esita le ho baamohedi ba ditaba le hore mefuta ya neanotaba ya molomo mmoho le puo e sebediswang maemong a itseng, di fapana ho ya ka maemo. Ba elellwa le ho sebedisa mefuta ya neanotaba ya molomo le puo ya maemo a itseng maemong ao e leng a semolao le ho ao e seng a semolao.
Ho mamela le ho bua ke tshiya e matla ya ho ithuta dithuto tsohle. Ka ho mamela le ho sebedisa mawa a ho bua ka hloko, baithuti ba kgona ho bokella le ho kopanya tsebo, mme ba kgone ho ikahela boitsebelo, ba rarolle mathata, le ho ka tseba ho hlahisa mehopolo le maikutlo a bona ka bokgoni. Ho mamela ka hloko le ka tshekatsheko ho neha baithuti bokgoni ba ho elellwa makgabane le tjhebo ya ditaba, tse patehileng ka hara mefuta ya ditema esita le bokgoni ba ho phepetsa puo e kgethang lehlakore mmoho le e hlohleletsang.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
Bokgoni bo theilweng hantle ba ho bala le ho boha ke tshiya ya ho ithuta dithuto tsohle ka katleho, esita le ho ba le seabo se phethahetseng setjhabeng le dibakeng tsa tshebetso. Baithuti ba bopa le ho hodisa bokgoni ba ho bala le ho boha mefuta ya dingolwa tsa boiqapelo le tse sa ngolwang, ho kenyeleditswe ditema tse tadingwang feela ho iphumanela tlhahisoleseding. Baithuti ba elellwa ka moo mefuta ya dingolwa le tshebediso e tshwanetseng ya puo di totobatsang maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo a ditema ka teng.
Baithuti ba sebedisa maano a fapaneng a ho bala le ho boha ho itshetlehuwe haholo hodima sepheo sa bona sa ho bala mmoho le mofuta wa tema eo ba e balang. Ba hlahisa le ho totobatsa mefuta ya ditema, ba hlwaya tsa boitshwaro setjhabeng le dikakanyo, mme ba araba ka tshekatsheko. Ka ho bala le ho boha, baithuti ba batlisisa le ho bontsha dikamano le phedisano dipakeng tsa bona le diphedi tse ding. Ho bala dingolwa tsa boiqapelo ho neha baithuti malebela a hore le bona ba ngole.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka maikemisetso a batsi a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
Ho ngola ke sesebediswa se matla sa puisano se dumellang moithuti ho ka bopa mehopolo le ho hlahisa maikutlo a hae ka tsela e hokahaneng. Tlwaelo ya ho ngola e etswang kgafetsa, mme e etswa maemong le meelelong e fapafapaneng ka mesebetsi e itshetlehileng hodima dihlopha tsa dithuto tse fapaneng, e neha baithuti bokgoni ba ho ikutlwahatsa ka tshwanelo le ka boiqapelo. Morero ke ho hlahisa mongodi ya kgonang ho ka ngola ka sena le sane. Ya sebedisang bokgoni ba hae ho hlahisa ditema tse ngotsweng ka maikemisetso a fapaneng, ho kenyeleditswe tse bonwang le ho ya ka mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Ka ho sebetsana le mefuta e fapaneng ya ditema, baithuti ba eketsa le ho atolosa tsebo le tshebediso ya bona ya tlotlontswe, mmoho le ho kenya tshebetsong kutlwisiso ya dibopeho tsa puo ka tshwanelo le ka nepahalo. Ba ba le boitemohelo bo hlokolosi ba ka moo makgabane le matla a maemo tse kenyeleditsweng puong, le hore puo e ka ba le tshusumetso e jwang bathong ba bang.
ditaba le maemo a fapaneng.
etsa puo e hlophisitsweng e kgutshwanyane kapa nehelano ya ditaba ka thuso e itseng.
etsa nehelano ya puo e hlophisitsweng e kgutshwanyane.
botsha bokgoni ba moralo ho etsa moralo le dipatlisiso ha a nehelana ka puo ya molomo: Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka etsa dipatlisiso mabapi le sehlooho se maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba tlwaelehileng ka ho tadima mehlodi e ditaba le maemo a fapaneng.
kenyeletsa ka tshwanelo disebediswa tse thusang thuto tse thusang thuto tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphosetara, dinepe, ditshwantsho, diselaete, mmino modumo le dipuisano tsa disebediswa tsa eletoroniki.
kenyeletsa disebediswa tse thusang thuto tse thusang thuto tse tshwanetseng tse bohuwang, tse mamelwang, le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, ditshwantsho, diselaete mmino, modumo le dipuisano tsa disebediswa tsa eletoroniki.
kenyeletsa disebediswa tse thusang thuto tse tshwanetseng tse thusang thuto tse bohuwang, tse mamelwang, le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, ditshwantsho, diselaete mmino, modumo le dipuisano tsa disebediswa tsa eletoroniki.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka boikutlwahatso: maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba sebedisa dibetsa tsa bokgabo le bonono tse ditaba le maemo a fapaneng.
mamela ka tshetsefo le ho araba dipotso tse bonolo moo a hlokang tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho arabela dipotso tse tlwaelehileng bakeng sa tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho arabela dipotso tse otlolohileng bakeng sa tlhakisetso.
bontsha temoho e hlokolosi ya tshebediso ya puo maemong a dipuisano tsa molomo: Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka sebedisa setaele le rejistara tse loketseng maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba maikemisetso, baamohedi ba ditaba le ditaba le maemo a fapaneng.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e susumetsang e jwalo ka ya dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e fehlang maikutlo le e susumetsang e jwalo ka ya poropaganda le dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e fehlang maikutlo le e susemetsang e jwalo ka ya poropaganda le dipapatso.
esita le ho lekola ka tshekatsheko, mmoho le ho botsa dipotso tse bonolo e le ho etsaarabela mefuta e batsi ya ditema.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho ntshetsa kutlwisiso pele.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho ntshetsa kutlwisiso pele.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho ntshetsa kutlwisiso pele.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso mamelwang le tse mamelwang le ho bohuwa esita le ho lekola ka tshekatsheko, mmoho le ho hong: arabela mefuta e batsi ya ditema.
qala ho nehelana ka dikarabelo tsa hae ditemeng tse tlwaelehileng.
nehelana ka dikarabelo tsa hae ditemeng.
nehelana ka dikarabelo tsa hae ditemeng le ho di tshehetsa ka mabaka.
esita le ho ka tshekatsheko, mmoho le ho arabela elellwa hore ditema di jere makgabane a mefuta e batsi e ya ditema.
elellwa mehopolo le mokotaba ditemeng tse tlwaelehileng.
utulla dibopeho tsa sehlooho tsa ditema le ho hlalosa kamoo di phehisang tlhahisong ya Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso moelelo kateng (dintlha tsena di se sebetswe ka esita le ho ka tshekatsheko, mmoho le ho arabela bonngwe): mefuta e batsi ya ditema.
hlwaya le ho hlalosa sepheo, sebopeho le tshebediso ya puo di temeng tse tlwaelehileng tse jwalo ka ho pheta hape, tlhahiso ya ditaba, ditokodiso le ditlhaloso.
utulla tshebediso ya puisano le ketsahalo.
hlwaya le ho hlalosa sepheo, sebopeho le tshebediso ya puo ditemeng tse tlwaelehileng tse jwalo ka raporoto ho pheta hape, ditokodiso, tlhahiso ya ditaba le ditlhaloso.
hlalosa tshebediso ya puisano le ketsahalo.
hlwaya le ho hlalosa sepheo, sebopeho le tshebediso ya puo di temeng tse jwalo ka raporoto, ho pheta hape, ditokodiso tlhahiso ya ditaba le ditlhaloso.
hlalosa tshebediso ya puisano le ketsahalo.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso utulla mawa a motheo a disebediswa tse esita le ho lekola ka tshekatsheko, mmoho le ho bohuwang, tse mamelwang, tse arabela mefuta e batsi ya ditema. mamelwang le ho bohuwa hong, tse jwalo ka tshebediso ya mebala sekadihlooho, ya mmino, ya medumo, ya tshebediso ya mabone, le mawa a tshebediso ya khamera.
hlalosa mawa a motheo a disebediswatse bohuwang, tse mamelwang le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse jwalo ka tshebediso ya mmala, seka-dihlooho, mmino, modumo, tshebediso ya mabone le maisa a tshebediso ya khamera.
hlalosa mawa a motheo a disebediswa tse bohuwang, tse mamelwang le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse jwalo ka tshebediso ya mmala, seka-dihlooho, mmino, modumo, tshebediso ya mabone le maisa a tshebediso ya khamera.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka ho tadimilwe maikemisetso, baamohedi ba maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka ditaba mmoho le maemo a itseng: baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le hlalosa ditlhokeho tsa mefuta e seng mekae dibopeho tse loketseng maemo a arohaneng.
sebedisa matshwao a bonwang le dielemente tsa moralo ka tshwanelo, a thuswa.
sebedisa matshwao a bonwang le dielemente tsa moralo tse mmalwa ka tshwanelo.
sebedisa mefutafuta ya matshwao a bonwang le dielemente tsa moralo ka tshwanelo.
dibopeho tse loketseng maemo a arohaneng.
sebedisa mantswe a hokelang a jwalo ka makopanyi, masupi le mahokedi ho bopa le ho tiisa kgokahano moelelong.
sebedisa mantswe a hokelang a jwalo ka makopanyi, masupi le mahokedi ho ntlafatsa momahano.
sebedisa mantswe a hokelang a jwalo ka makopanyi, masupi le mahokedi ho ntlafatsa momahano.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka nehelane ka sehlahiswa se phethetsweng: maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka latela maemo a beilweng ho lekodisisa baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le mosebetsi o ngotsweng wa hae mmoho le dibopeho tse loketseng maemo a arohaneng.
nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng a etse hloko setaele sa nehelano se loketseng, jwalo ka tema e makgethe kapa phousetara e e hohelang e mebalabala.
nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng a etse hloko setaele sa nehelano se loketseng jwalo ka tema e makgethe kapa phousetara e e hohelang, e mebalabala.
nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng a etse hloko setaele sa nehelano se loketseng jwalo ka tema e makgethe kapa phousetara e e hohelang, e mebalabala.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo sebedisa ka nepahalo mefuteng e fapaneng ya tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho ditema tse tlwaelehileng: phethahala.
sebedisa kgetho ya didumatshwano le mepeletotshwano, mahlalosonngwe, malatodi le lentswe le le leng bakeng sa polelwana.
sebedisa lenane le eketsehileng la kgetho ya didumatshwano le mepeletotshwano, mahlalosonngwe malatodi le lentswe le le leng bakeng sa polelwana.
sebedisa didumatshwano le mepeletotshwano, mahlalosonngwe, malatodi le lentswe le le leng bakeng sa polelwana.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tshebediso ya puo; tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho sebedisa dibopeho tsa leetsi le mathusi ho phethahala.
fetolela dipolelo tse kgutshwane ho tloha puong e ithutwang ho isa puong ya lapeng kapa ho tswa puong ya lapeng ho ya ho e ithutwang.
utulla puo e totobetseng e phahamisang maikutlo, ya kgatello, e susumeletsang lehlakoreng le itseng le ho phepetsa puo e sa natseng maikutlo a ba bang.
fetolela dipolelo ho tloha puong e ithutwang ho isa puong ya lapeng kapa ho tswa puong ya lapeng ho ya ho e ithutwang.
hlwaya le ho phepetsa puo e phahamisang maikutlo, ya kgatello, e susumeletsang lehlakoreng le itseng le e sa natseng maikutlo a ba bang.
fetolela diratswana tse kgutshwane ho tloha puong e ithutwang ho isa puong ya lapeng le ho ya ho e ithutwang.
hlwaya le ho phepetsa tshekamelo le ho tadima dintho ka lewekereng le le leng, puo e phahamisang maikutlo, ya kgatello, e susumeletsang lehlakoreng le itseng le e sa natseng maikutlo a ba bang.
Karolong ena ho nehelanwe ka dikahare le maemo a ho ithuta ho thusa ho fihlella Maemo a Tekanyetso. Dikahare tse bontshitsweng di lokela ho ka sebetswa ka tsela e tla thusa baithuti ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Dikahare di lokela hore di thuse phihlellong ya Diphetho tsa ho Ithuta mme e se be qetelo ka botsona. Maemo a ho ithuta a sisintsweng a tla thusa hore dikahare di kenyeletswe maemong a tla bang le moelelo ho baithuti ho ithuteng le ho rutweng. Titjhere e lokela ho hlokomela le ho sebedisa maemo a selehae, le ha e se a bontshitsweng mona, ha feela a tsamaelana le boiphihlelo ba baithuti. Dikahare le maemo a ho ithuta, ha di hlophiseditswe ho ka fihlella Maemo a Tekanyetso, di nehelana ka moralo wa tlhahiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta. Tataiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta e nehelana ka dintlha tse feletseng mabapi le sena.
Ha lentswe lena, 'tema' le sebediswa Setatementeng sa Thuto ya Dipuo le na le moelelo o batsi oo re ka nahahang ka ona, o kenyeleditseng tsa nehelano ya molomo, tse ngotsweng, tse mamelwang, tse bohuwang le ho mamelwa hong le mefuta e fapaneng ya dipuisano. Ho rutweng ha dipuo tsohle, ditema di lokela ho sebediswa e le moo ho qalwang teng, mme mefuta e itseng ya ditema e ka hlahiswa e le ditholwana tsa tshebetso. Ka tlhahiso ya ditema tse ntseng di thatafala le maemo ho tloha kereiting ya 10 ho isa kereiting ya 12, Maemo a Tekanyetso a loketseng a bontsha kgolo le tharahano. Ditema tse bonolo le tse thatafetseng ka bobedi ke motheo wa kgolo le tswelopele dipuong tsohle.
Ha ho le jwalo, ditema ke mehlodi ya bohlokwa ya 'dikahare le maemo a tse ithutwang' ho ruta le ho ithuta puo ka tsela e hokahaneng le jwalo ka ha e sebediswa.
mefuta e fapaneng ya ditaele le disebediswa tsa setaele, tse jwalo ka mefuta e batsi ya puo ya papiso le ya boqapi.
Mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehileng ditemeng le mokgwa wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa bobedi di itshetlehile tshebedisong le tlhalosong ya ditema e tswelang pele.
Mokgwa wa ho ithuta puo o theilweng ditemeng o tadima tsela eo ditema di ka sebediswang ka teng. Maikemisetso ka ho sebedisa mokgwa ona o itshetlehileng tshebedisong ya ditema ke ho thusa baithuti ho ba le bokgoni, ho itshepa le ho ba neha bokgoni ba ho bala ka tshekatsheko, ho ba bangodi, babohi le ho tseba ho rala ditema. Hona ho kenyeletsa ho mamela, ho bala le ho sekaseka sepheo sa ho utlwisisa hore di hlahisitswe jwang le hore tshusumetso ya tsona ke efe. Ka ho sebetsana le ditema ka tsela ena e sekasekang, baithuti ba ntshetsa pele bokgoni le tsebo ya ho lekola ditema ka tshekatsheko. Mokgwa ona o theilweng ditemeng o kenyeletsa le tlhahiso ya mefuta e fapaneng ya ditema ka maikemisetso a itseng mmoho le baamohedi ba ditaba. Mokgwa ona o itshetlehile kutlwisisong ya hore ditema di hlahiswa le ho botjwa jwang.
Mokgwa wa ho ruta puo jwalo kaha e sebediswa o supa hore ho ithuteng puo, moithuti o tshwanetse ho nehwa nako le sebaka se sengata mmoho le menyetla e mengata ya ho kenya tshebetsong kapa ho hlahisa puo eo e leng ya hae ka ho bua maemong a phedisano le a tshebediso ya letsatsi le letsatsi. Ho ithuta puo ho lokela ho etswa ka tlhaho, ho etswe maemong a lokolohileng moo ho seng melawana e itseng, mme maemo ana a lokela ho fetisetswa ka phaposing moo bokgoni ba ho bala / boha le ho ngola / ba nehelano bo tlang ho ithutwa ka tlhaho - baithuti ba bala le ho ithuta ka ho etsa kgafetsa mosebetsi wa ho bala le ho ithuta ho ngola ka ho etsa mosebetsi o mongata o ngolwang. Ka hoo, ho totobetse hore mokgwa ona wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa le mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehile ditemeng. Hape, o itshetlehile mokgwatshebedisong o tswellang ka nako tsohle le tlhahiso ya ditema.
Ditema di hlahiswa tlasa maemo a itseng le ka maikemisetso a itseng, mme ho tadinngwe haholo basebedisi kapa baamohedi ba ditema. Mekga e fapaneng ya ditema e na le mesebetsi e fapaneng mme e latela ditsela le ditlwaelo ho ya ka sebopeho, setaele, kwahollopuo, tlotlontswe le dikahare. Mekga ena e bitswa ka hore ke mefuta ya dingolwa. Baithuti ba lokela ho nehwa bokgoni ba ho ka utlwisisa le ho hlahisa mefuta e fapaneng ya ditema.
Ka lehlakoreng le leng, ditema ke diipone tseo ka tsona ho totobatswang maemo a setso le a sepolotiki a sebaka seo di ngollwang ho sona. Puo e sebediswang ditemeng e jere molaetsa o supang ntlhakemo e itshetlehileng hodima maemo a setso le a sepolotiki a motho ya di ngotseng kapa ya di radileng. Ho ke ke ha thwe ditema ha di nke lehlakore ke hona. Baithuti ba lokela ho ba le bokgoni ba ho fihlella moelelo le ho arabela dintlha tse amang tsa boitshwaro le maikutlo kapa tjhadimo e itseng ya ditaba ditemeng.
Ka hoo, puo e lekolwa ditemeng ka nako tsohle, mme ditema le tsona di lekolwa ho ya ka dikahare tse fuperweng. Mokgwa ona o kenyeletsa le ho lekola semmuso dintlha tsa puo (kwahollopuo le tlotlontswe) empa jwalo ka kgetho e itshetlehileng kahlamelong ya tsona ditemeng, ka hoo di se etswe e le tsona feela ka ho ikemela. Hore ba kgone ho bua ka ditema, baithuti ba hloka 'puo e sebediswang ho hlalosa puo' eo ba ithutang yona - ba hloka mantswe a puo eo ho ka hlalosa dintlha tsa kwahollopuo tse fapaneng, tlotlontswe le setaele, le ho bua ka mefuta ya dingolwa.
Ditema di ka arolwa ka mekga ena; ditema tse sebediswang le ditema tse hlahiswang. Tsona di hlaloswa ka botlalo lenaneng lena le latelang. Lenane lena le ke ke la kenyeletsa mefuta yohle ya ditema - titjhere e dumelletswe ho ka eketsa lenaneng lena ka mefuta ya ditema tse ka sebediswang ho ka ruta ka mokgwa ona o hokahantsweng wa ho ruta. Maikemisetso ka lenane lena ke ho neha titjhere kgetho e batsi ya ditema tse ka sebediswang le tse ka hlahiswang. Dintlha ka botlalo tse hlokehang mabapi le boleng le ho rarahana ha ditema le tshebediso ya mantswe a loketseng, di hlahella Lenanetataisong la ho Ithuta.
Mefuta e meng ya dingolwa e lokelang ho etswa dikereiting tsa 10 ho isa ho 12 e kenyeletsa ditema tse sebediswang kgokahanong ya ka mehla, tse sebediswang ha ho lekolwa se itseng, tsa boiqapelo, tse mamelwang, tse bohuwang le ho mamelwa hong, le tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano. Kgetho e batsi ya ditema e lokela ho sebediswa mokgweng ona o akaretsang wa ho ruta ka mokgwa o hokahantsweng nakong ya dilemo tse tharo.
Ditema tse sa tlameng empa tse reretsweng ho matlafatsa: Papadi ya ho etsisa, ho pheta pale, ditaba tsa radio le thelevishine, tshwantshiso ya radio le thelevishine, dipuisano tsa dihlotshwana (phanele), palekgutshwe ya mong / thothokiso / tshwantshiso, setshwatsho sa boswaswi (khatunu), metlae e etswang ka ditshwantsho, metlae, matshwao, jwalojwalo.
Tekanyetso ke karolo e hlokolosi haholo ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha ya Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ke tshebetso eo ka yona ho bokellwang le ho hlalosa bopaki boo ka bona ho ka etswang qeto e hlalosang bokgoni ba moithuti. Bopaki bo ka bokellwa ka dinako le dibakeng tse fapaneng, le ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng, disebediswa, tsa phatlalatso, ditsela le maemo.
Ho etsa bonnete ba hore diphetho tsa tekanyetso di ka fumaneha le ho sebedisetswa merero e fapaneng nakong e tlang, sephetho se lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse fapaneng tse ka latelwang tsa ho ngola bokgoni bona ba baithuti. Tse ding tsa ditsela tsena di tla hlaloswa kgaolong ena. Tse ding di tla hlaloswa ka ho otloloha Lenanetataisong la ho Ithuta.
Batho ba bangata ba nang le kabelo thutong ba na le thahasello ya ho tseba hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang Dikereiting tsa 10 - 12. Hona ho kenyeleditse baithuti, batswadi, bahlokomedi ba bana, batshehetsi ba tsa ditjhelete, mafapha a thuto a diporofense, Lefapha la Thuto, Kantoro ya Letona la Thuto, boramosebetsi, le dibaka tsa thuto e phahameng. Ho etsetsa hore bohle ba fihlelle sephetho se akaretsang sa baithuti ha bobebe, le ho etsa diqeto ka bokgoni ba bona, diphetho tsa tekanyetso di lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa hona. Kgaolong ena, raporoto e etswang qetellong ya mosebetsi kapa qetellong ya nako e itseng, e tla utullwa.
Pele titjhere e ka etsa tekanyetso ya baithuti, ho bohlokwa hore maikemisetso a tekanyetso a qaqiswe ka tsela e utlwahalang e sa ikadimeng meelelo e mengata. Ho utlwisisa seo tekanyetso e ikemiseditseng ho se fihlella ho netefatsa hore ho be teng nyalano e loketseng dipakeng tsa maikemisetso le mekgwa ya tekanyetso, e le hore diqeto le dikahlolo tse etswang di itshetlehe ka tekanyetso, mme e be tse nang le toka, tse loketseng maikemisetso a tekanyetso.
Ho na le mabaka a mangata ao bokgoni ba baithuti bo lokelang ho lekanyetswa. Hona ho kenyeleditse le tekanyetso e etsetswang ho lekola tswelopele le ho nehelana ka tlhahisoleseding e itseng, ho hlahloba kapa ho phekola ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti o na le tsona, e etsetswang kgetho e itseng, e etsetswang tataiso, e etsetsang tshehetso e ka nehwang moithuti, e etsetswang ho nehelana ka lengolo la bopaki mmoho le ho fetisetsa moithuti kereiting e latelang.
Kharikulamong ena, ho ithuta le tekanyetso di hokahantswe haholo. Tekanyetso e thusa baithuti ho lekanya boleng ba ho ithuta ha bona. E neha baithuti lesedi ka tswelopele ya bona le ho ba neha bokgoni ba ho laola le ho etsa diqeto ka ho ithuta ha bona. Ka mokgwa ona, tekanyetso e nehelana ka lesedi le bontshang hore na ho ruta le ho ithuta ho a atleha ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta tse beilweng. Ha tekanyetso e bontsha hore tswelopele e a fokola, maano a ho ruta le ho ithuta a lokela ho fetolwa ka tsela e loketseng.
tekanyetso e ahang moithuti; le tekanyetso e etswang qetellong.
Tekanyetso ya motheo (qalehong) e bohlokwa qalehong ya kereite. E ka etswa le ha e le moo ho qalwang mosebetsi o motjha teng. E sebediswa ho sibolla seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba le ho se kgona pele ba ka qala mosebetsi o motjha. E thusa haholo ho rala diketsahalo tsa ho ithuta mmoho le lenanetsamaiso la ho Ithuta. Ho ngolwa ha dintlha tse hlahiswang ke tekanyetso ena ya motheo e ka ngolwa feela ka mokgwa oo e seng wa semmuso.
Tekanyetso efe kapa efe e ka sebediswa ho ribolla ditshita tsa ho ithuta, ho fumana sesosa kapa disosa tsa ditshitiso kapa ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti a ka ba le tsona ho ithuta. Tekanyetso e ribollang ditshita tsa ho ithuta e thusa ho fumana mawa a fapaneng kapa ho ka elellwa dibaka tseo ho tsona moithuti a hlokang ho ka tshehetswa ho tsona kapa tse hlokang pheko. E sebetsa jwalo ka mokgwa wa ho lekola le ho thusa ho rala (polana) botjha maikemisetso a Lenane la ho Ithuta, kapa ho ribolla moo ho ithuta ho sa atlehang teng e le hore ho tle ho fumanwe le ho kenngwa tshebetsong mawa a thibelang sena.
Mokgwa ofe kapa ofe wa tekanyetso o sebediswang ho nehelana ka tlhahisoleseding moithuting o nepahetse tekanyetsong e tsebisang. Tekanyetso e ahang moithuti ke tshiya ya bohlokwa ya ho ruta le ho ithuta. Bohle ba nang le seabo thutong ba sebedisa mofuta ona wa ho lekanyetsa e le ho ka fumana tlhahisoleseding e itshetlehileng tswelopeleng eo baithuti ba e etsang. Tlaleho e ahang ke karolo ya bohlokwa tswelopeleng.
Ha tekanyetso e sebedisetswa ho ka rekota kahlolo kapa bokgoni kapa tsela eo moithuti a sebetsang ka yona, e ba tekanyetso e jwalo e bonwa jwalo ka tekanyetso ya qetellong/mafelong. Tekanyetso e etswang qetellong e nehelana ka kakaretso e feletseng ya bokgoni kapa tswelopele eo moithuti a seng a e entse ka nako efe kapa efe. E ka etswa qetellong ya thuto ka nngwe ka phaposing, qetellong ya karolwana (ya uniti) e itseng ya mosebetsi, qetellong ya sekele ya mosebetsi, qetellong ya kgweditharo, qetellong ya kgweditshelela kapa qetellong ya selemo. Tekanyetso e etswang qetellong e lokela ho lokisetswa mme mawa le disebediswa tsa tekanyetso di lokela ho sebediswa ho neha baithuti bokgoni ba ho supa bokgoni ba bona.
e tsamaiswe le ho fetoha le maemo.
Tekanyetso ya bokgoni ba baithuti e etswang ke matitjhere e lokela hore e be boemong bo hodimo ba ho tshepahala. Hona ho bolela hore diphetho tsa baithuti mabapi le tshebetso ya bona di lokela ho akaretsa le ho kgema le dinako tse fapaneng le dintlha tsa tekanyetso, le ha e ka etswa ke matitjhere a fapaneng. Qeto kapa kahlolo hodima sephetho sa tekanyetso le yona e lokela hore e be ya nnete mme e tshepahale; ke hore, qeto e jwalo e lokela ho itshetleha hodima dintlha tsa ho ithuta tse neng di lekanyetswa.
Ka lebaka la hobane tekanyetso ka boyona e ke ke ya eba ya nnete kapa ya tshepahala ka ho phethahala ka boyona, diqeto tse etswang ka tswelopele ya moithuti di lokela ho itshetleha hodima tekanyetso tse fetang bonngwe. Sena ke motheo wa Tekanyetso e Tswellang. Tekanyetso e tswellang ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto ho ithuteng ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng ha ho ntse ho ithutwa. E ama diketsahalo tsa tekanyetso selemo ho pota, ho sebediswa mefuta e fapaneng ya mekgwa ya tekanyetso e kang diteko, dihlahlobo, diporojeke le diasaenemente. Tekanyetso ya nehelano ya molomo, e ngolwang le e etswang ka matsoho le tsona di kenyeleditswe. Dikarolwana tsa bopaki tse fapaneng tse hlahiswang ke baithuti e le karolo ya tekanyetso e tswellang di ka kenyeletswa potefoliyong.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi fapaneng tse bontshang se lokelang ho kenyeletswa photefoliong. Dipehelo tsena di hlaloswa hantle Lenanetataisong la ho ithuta.
Tekanyetso e Tswellang e thehilwe ka phaposing le sekolong, mme e tsepamiswa hodima mokgwa o tswelang pele oo ho ona tekanyetso e hokanyeleditsweng ka hara tshebetso ya ho ruta le ho ithuta. Matitjhere a kgona ho tseba baithuti ba bona ka ho ba ruta ka mehla (letsatsi le letsatsi), ka ho ba botsa dipotso, ho ba lebella, le ho ba beha leihlo ha ba sebetsa le ho kopakopana ka bobona.
Tekanyetso e Tswelang e lokela ho sebediswa dikarolong tsa kharikhulamo tse lekanyetswang ka ho ngola diteko le diasaenemente le tseo ho tsona ho sebediswang mekgwa ya tekanyetso e meng, e jwalo ka ho bontsha bopaki ba hore moithuti a ka etsa mosebetsi o itseng wa matsoho kapa a bontsha boiphihlelo bo itseng ho tsa molomo.
Diphetho tsa ho Ithuta tsohle mmoho le Maemo a Tekanyetso di pepesitwe. Baithuti ba tseba se lebeletsweng ho bona. Ha ho le jwalo, baithuti ba na le seabo sa bohlokwa ka ho itekanyetsa ka bobona ha ho etswa tekanyetso ka hore ba 'etse tekanyetso ya pele' ya mosebetsi wa bona pele titjhere a ka etsa tekanyetso ya ho qetela. Ho nahanisa le ho lekola tswelopele eo moithuti a e entseng ke karolo ya bohlokwa ya ho ithuta.
Tekanyetso e etswang ke baithutimmoho, ba sebedisa mananenetefatso kapa dikala tsa tekanyetso (diruburiki), e thusa moithuti eo mosebetsi wa hae o lekanyetswang mmoho le ba etsang tekanyetso eo. Ho arolelana hona ha ditsela kapa ditebello tsa ho lekanyetsa ho thusa baithuti ho lekola bokgoni ba bona le bokgoni ba ba bang.
Bokgoni ba ho sebetsa ka katleho le kutlwisisano dihlotshwaneng ke se seng sa Diphetho tse Hlokolosi. Ho etsa tekanyetso ya sehlotshwana ho bolela ho batlana le bopaki bo supang ka ho totobetseng hore e feela sehlotshwana se sebedisana mmoho, se a thusana, se arolelana mosebetsi le ho kopanya diphehiso tse fapaneng tsa ditho tsa sehlotshwana, ho bopa sehlahiswa se le seng se ka lekanyetswang. Tekanyetso ya sehlotshwana e tadimana le tsela ya tshebetso eo baithuti ba e latelang mmoho le se hlahiswang. E kenyeletsa le tekanyetso ya bokgoni ho tsa phedisano, tsamaiso ya nako, tsamaiso ya mehlodi, diphapang le diphapano tsa sehlotshwana, mmoho le se hlahiswang ke sehlotshwana.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho bokella bopaki. E meng ya mekgwa ena e hlaloswa mona ka tlase.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng temohong e atisa ho sebedisa ditsela tse sa totobatswang, mme e re dumella ho rekota bopaki bo fapaneng ba baithuti ka dinako tse fapaneng. Mofuta ona wa tekanyetso hangata o itshetlehile hodima mesebetsi e hlokang hore baithuti ba sebedisane mmoho ho fihlella tharollo kapa sephetho se tshwanang. Ho lokela hore temoho e etswe ka maikemisetso mme e tsamaiswe ka thuso ya se sebediswa se nepahetseng sa ho lemoha.
Tekanyetso e itshetlehileng ditekong e radilwe haholo ka tsela e nehang matitjhere bokgoni ba ho bokella bopaki bo tshwanang baithuting bohle ka tsela e tshwanang le ka nako e le nngwe. Mofuta ona wa tekanyetso o hlahisa bopaki ba ho ithuta bo tiisetswang ka ho fihlella dintlha kapa matshwao a itseng. Ha e sebediswa hantle, diteko le dihlahlobo di dula e ntse e le karolo ya bohlokwa ya kharikhulamo hobane di nehelana ka bopaki ba seo baithuti ba ithutileng sona.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng hodima mosebetsi kapa bokgoni bo reretsweng ho bontsha hore na baithuti ba kgona ho sebedisa tsebo le bokgoni tseo ba ithutileng tsona maemong a sa tlwaelehang kapa a ka ntle ho phaposi ya bona ya ho rutela. Tekanyetso e supang bokgoni e kenyeletsa le karolo ya thuto ya mosebetsi o supang bokgoni ka ho sebedisa matsoho (poratikale), moo ho lekolwang hore baithuti ba hokela jwang teori (tsebo e kgopolong) le se etswang ka matsoho (poratikale). Mokgwa, tsela kapa molao ona oo ka ona mosebetsi o lekanyetswang, o hlaloswa ka tsela ya dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) kapa lenane la ho lekola dintlha, o thusa titjhere ho sebedisa kapa ho hlaha ka kahlolo ya seporofeshenale e supang bokgoni ba baithuti.
Ho rekota le ho etsa tlaleho ho ama le ho kenyeletsa dintlha tse kang ho tshwara dintlha (data) tse bokeletsweng nakong eo ho neng ho etswa tekanyetso ka yona e le hore e tle e lekolwe le ho phatlalatswa ka tsela e nepahetseng le e utlwahalang.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho rekota. Hangata ho batla ho le thata ho totobatsa phapang dipakeng tsa tsela eo ho rekotwang dintlha tsa tekanyetso ka yona, le tsela kapa mokgwa wa ho sekaseka bokgoni ba baithuti.
mananeo a mesebetsi kapa lenanenetefatso; le dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki).
Dikala tsa ho lekanyetsa ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka A kapa B) kapa ntlha (jwalo ka 5/10 kapa 50%) e hlaloswang ka botlalo e le ho hokahanya dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona hore baithuti ba lokela ho di fihlella le tlhaloso ya bokgoni e hlokehang ho fihlella ntlha e beilweng. Tlhaloso e lokelang ho fihlellwa e bohlokwa ho feta dintlha tseo ho dumellanweng ka tsona tshebetsong ya ho ruta le ho ithuta ka ha e neha baithuti mohopolo o hlakileng wa seo ba se fihlelletseng le hore ke ho kae le hore hobaneng ba sa kgona ho fihlella dintlha tse beilweng hodima mosebetsi wa bona. Tsela ya kgale ya ho tshwaya le ho lekola e ne e sebedisa mokgwa wa ho lekanyetsa o neng o sa sebedise tlhaloso ya seo baithuti ba lokelang ho se fihlella, o ne o etsa hore ho be thata ho nehelana ka moelelo wa moo matla kapa bofokodi ba baithuti bo leng teng ho ya ka sepheo sa sephetho. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiteng tsa 10 - 12 se sebedisa sekala se dikgato tse tsheletseng tsa ho lekanyetsa.
Manane a mosebetsi kapa lenaneo la ho tshwaya le ba le ditatemente tse otlolohileng tse hlalosang bokgoni ba moithuti hodima mosebetsi o itseng. Ha ho hlokomelwa hore moithuti o fihlelletse maemo a itseng a lenaneo la ho tshwaya hodima mosebetsi o neng o entswe, e ba setatemente seo se a tshwauwa ho supa hore moithuti eo o se fihlelletse. Ditatemente tseo kaofela ha di se di tshwailwe ho bolelang hore se neng se batlahala se fihlelletswe ho hlalosa bokgoni ba moithuti. Mananeo a ho lekola mosebetsi a thusa haholo mesebetsing e tshwauwang ke baithutimmoho kapa ke dihlotshwana.
Dikala tsa Tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) ke mefuta ya dikala e hokahantseng dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona mmoho le tlhaloso tsa maemo a lokelang ho fihlellwa. Di bopilwe ka dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang. Ruburiki e hloka hore titjhere e tsebe hantle seo e leng sa bohlokwa le ho hlalosa maemo/matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa. Ho na le mefuta e mmedi ya diruburuki, e akaretsang le e sekasekang mosebetsi ohle. Ruburiki e akaretsang e lekanyetsa karolo ya mosebetsi kapa mosebetsi ohle, ha ruburiki e sekasekang yona e lekola tshekatsheko ya dintlhana kapa dibopeho tse itseng tsa mosebetsi. E ka kenyeletsa dintho tsena ka bobedi. Lenanetataiso la ho Ithuta le nehelana ka mehlala ya diruburiki tsa dithuto ka ho otloloha.
Ke diphetho dife tseo ho ikemiseditsweng ho di fihlella?
Ke Maemo a Tekanyetso afe ao ho ikemiseditsweng ho a fihlella?
Ke bopaki bofe bo lokelang ho fihlellwa?
Ke dikarolo dife tsa bokgoni tse tlang ho lekanyetswa?
Ke disebediswa tsa tekanyetso dife tse loketseng karolo e nngwe le e nngwe ya mosebetsi o lekanyetswang (tse jwalo ka mokgwa wa tshebetso le sehlahiswa se tlang ho hlahiswa)?
Ke tsebo efe e lokelang ho totobatswa bopaking?
Ke bokgoni kapa diketso dife tse lokelang ho sebediswa?
Ke menyetla efe e hlahisetswang moithuti ho ka hlahisa maikutlo, makgabane kapa tjhadimo ya hae ya ditaba mosebetsing oo a o neilweng moo tsena di lokelang ho ka lekanyetswa le hona ka mokgwa ofe?
Le hore na ruburiki ena e lokela ho sebedisetswa ho lekanyetsa diphetho mmoho le Maemo a Tekanyetso ohle a mosebetsi ona wa tekanyetso kapa na mosebetsi oo o lokela ho etsetswa diruburiki tse fapafapaneng?
Ke diruburiki tse kae, hantlentle, tse hlokehang mosebetsing oo?
Ho bohlokwa ka nako tsohle hore titjhere e shebisane ruburiki le baithuti pele ba ka etsa mosebetsi oo ba o filweng. Ha ruburiki e sebediswa ka tsela ena, e fetoha sesebediswa se matla sa tekanyetso e etswang ke moithuti ka boyena.
Tlaleho e itshetlehileng bokgoning e nehelana ka lesedi ho bohle ba nang le seabo kapa ba nang le kgahleho tswelopeleng ya moithuti. Ha bopaki bo se bo bokeletswe le ho sekasekwa, matitjhere a lokela ho ngola bokgoni kapa phihlello ena. Ho lokela ho etswa Tekanyetso e etswang qetellong e lekaneng e le hore tlaleho e etse tlhaloso e bontshang boemo boo moithuti a bo fihlelletseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ananela sekala se supang boiphihlelo ba dikgato tse 6. Sekala seo se bontshitswe Lenanetafoleng la 4.
Ho thusa ka boemo ba phihlello bo lokelwang ke ho fihlellwa diphethong tsa ho ithuta dikereiting tsa10 ho isa ho 12, ho nehelanwe ka ditlhaloso tsa boiphihlelo ba thuto e le ho hlahisa karohano kapa phapang ho se lebelletsweng hore baithuti ba lokela ho se tseba le ho ka kgona ho se fihlella. Dikgato tse tsheletseng tsa bokgoni bo lokelang ho fihlellwa di hlalositswe thutong e nngwe le e nngwe, kereite le kereite. Ditlhaloso tsena di tla thusa matitjhere haholo ka ho lekanyetsa baithuti le ho ka ba beha maemong a nepahetseng. Ditlhaloso di akaretsa se hlalositsweng ka botlalo Diphethong tsa ho Ithuta le Maemong a Tekanyetso, mme di nehelana ka matshwao a ikgethang a bopang boemo ba boiphihlelo maemong a itseng. Maemo a phihlello a fapaneng mmoho le dikgato tsa diperesente tse a supang di bontshitswe lenanetatoleng 1941.
Ho ya ka metheo le tshebediso ya tekanyetso e itshetlehileng diphethong, tekanyetso tsohle, e etswang sekolong mmoho le e etswang qetellong (tlhahlobo), di lokela ho tataiswa kapa ho itshetleha maemong a beilweng a ho lekanyetsa. Le ha ho le jwalo, matshwao a ka sebediswa ho lekola mosebetsi o itseng, empa mosebetsi o jwalo o lokela ho lekanyetswa ka ho sebedisa ruburiki ho na le ho tshwaya dintlha ho ntse ho nehelanwa ka matshwao a itseng ho ya ka dintlha tse nepilweng. Tlhaloso ya phihlello thutong ka nngwe e hlalosa bonyenyane bo lokelang ba bokgoni, tsebo, tjhadimo ya ditaba le makgabane tseo moithuti a lokelang ho bontsha boiphihlello ho tsona kgatong e nngwe le e nngwe ya sekala sa ho lekanyetsa.
Ha titjhere kapa molekanyetsi a lokisetsa mosebetsi wa tekanyetso/ dipotso, o lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi / dipotso di tobile dintlha tse itseng tsa sephetho se lokelang ho lekanyetswa. Maemo a Tekanyetso a loketseng a tshwanetse hore a sebediswe ho rala sekala sa tekanyetso (ruburiki) se tla sebediswa ho tshwaya mosebetsi / potso eo ho nehalanweng ka yona. Tlhaloso e bontsha ka ho hlaka boemong boo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kgatong e nngwe le e nngwe.
Ho fetisetswa pele ha baithuti ba leng Kereiting ya l0 le ya ll ho tla itshetleha feela tekanyetsong e etswang sekolong, empa le yona e lokela ho tshetlehwa dipehelong tse tshwanang le tse ho lengolo la Thuto le Thupelo e Tswellang. Ditlhokeho, maemo le melawana, mmoho le kgauhelo e etswang haeba moithuti a sa tsamaya hantle hakaalo, di hlalositswe hantle tokomaneng e bitswang ka hore ke Qualifications and Assessment Policy framework for Grades 10 - 12 (General).
Ho na le dibopeho tse ngata tseo dikarete tsa raporoto di ka ralwang ka tsona empa re ithutile hore ha Karete ya Raporoto e shebahala e nolofetse, ho ba bobebe ho e utlwisisa, ha feela e kenyeleditse dintho tsohle.
keletso e ahang e buang ka phihlello ya moithuti papisong le phihlello ya hae ya nako e fetileng mmoho le ditlhoko tsa thuto; le tswelopele eo moithuti a e etsang mabapi le ho ithuta.
setempe sa sekolo; le tlhahisoleseding e supang tsela eo moithuti a kenang sekolo ka yona.
bua le ho etsa nehelano ka boitshepo, le ka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng ka nepahalo; sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a batsi a tlwaelehileng a dipuisano.
fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka phethahalo le ka ho itshepa, hape a ka hlwaya tlhahisoleseding e itseng ditemeng ka nepahalo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle haholo o mme hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka ho hlaka; balla hodimo a bontsha bolokolohi bo kgahlisang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemitsetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlhakemo ka tsela e tshwarellang, e kgodisang le e bontshang boiqapelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho hlahisa ditema tse ntlafaditsweng.
bua le ho nehelana ka boitshepo, le ka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikenisetso a fapafapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a batsi a dipuisano.
fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka boitshepo le ka phethahalo, hape o hlwaya tlhahisoleseding e itseng ka nepahalo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle haholo mme o hlahisa mehopolo ya hae le ho e tshehetsa ka ho hlaka; balla hodimo ka bolokolohi ka tsela e phethahetseng; bontsha ho ba sedi mehopolong e batsi le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlhakemo ka tsela e tshwarellang, e kgodisang le e bontshang boiqapelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ka sepheo sa ho hlahisa ditema tse ntlafaditsweng.
bua le ho nehelana ka boitshepo, le ka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko le tshebediso ya puo e bontshang, ho ba sedi le ho hlompha ka ho hlaka; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng ka nepahalo; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a dipuisano a batsi, a fapaneng.
fihlela moelelo, sekaseka, le ho hlalosa ditema ka ho phethahala le ka boitshepo, hape o hlwaya tlhahisoleseding e itseng ka nepahalo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle haholo mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka ho hlaka; balla hodimo ka bolokolohi ho ka tsela e kgahlisang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e batsi mmoho le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e phethahetseng; bopa mehopolo le dintlhakemo tsa hae ka tsela e tshwarellang, e kgodisang le e bontshang boiqapelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ka sepheo sa ho bopa ditema tse nepahetseng.
E tswela pele mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka phethahalo; sebedisa dikarolo tse fapafapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla; bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo le ka boitshepo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka phethahalo; sebedisa dibopeho tse fapafapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla; bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. puo ka nepahalo le ka boitshepo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka phethahalo; sebedisa dibopeho tse batsi tse fapafapaneng haholo tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla; bontsha bokgoni bo botle haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana hangata ka boitshepo le ka tsela e nang le kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e lekaneng le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng, empa o bontsha ho qeaqea ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ha a hlalosa; sebedisa puo hangata ka bolokolohi maemong a dipuisano a tlwaelehileng.
hlwaya tlhahisoleseding hangata ka boitshepo ha a bala le ho boha empa o bontsha qeaqeo ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ha a hlalosa ditema; bontsha kutlwisiso e ntle, mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka tsela e kgotsofatsang; balla hodimo hangata ka bolokolohi; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso hangata.
ngola le ho nehelana hangata ka ditema tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le ka nepahalo empa o etsa diphoso; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho hangata; bopa mehopolo le dintlhakemo hangata ka tsela e tshwarellang le e kgodisang, a bontsha bopaki bo itseng ba boiqapelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a thuswa, ka sepheo sa ho hlahisa ditema tse ntlafetseng.
ngola le ho nehelana ka ditema tseo hangata di bontshang kgokahano le momahano ya dintlha, le nepahalo empa o etsa diphoso tse itseng; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso maemo le dibopeho hangata; bopa mehopolo le dintlhakemo hangata ka tsela e tshwarellang le e kgodisang a bontsha boiqapelo bo itseng; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng hangata a sebetsa ka boyena ho hlahisa ditema tse ntlafetseng.
ngola le ho nehelana ka ditema tseo hangata di bontshang kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso maemo le dibopeho hangata; bopa mehopolo le dintlhakemo hangata ka tsela e tshwarellang, e kgodisang le e bontshang boiqapelo bo itseng; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing ngotsweng hangata a sebetsa ka boyena ho hlahisa ditema tse ntlafetseng.
bontsha bokgoni bo botle ba tshebediso thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni ulwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa ulwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo hangata ka ho nepahala le ka ho itshepa; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona hangata; sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, empa o etsa diphoso tse itseng; bontsha bokgoni bo kgahlisang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. puo hangata ka ho nepahala le ka ho itshepa; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; sebedisa dibopeho tse fapafapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla empa o etsa diphoso tse itseng; bontsha bokgoni bo kgahlisang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha empa o a thatafallwa ha a sekaseka le ho hlalosa ditema; bontsha kutlwisiso e kgotsofatsang mme hangata a ka hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka ditema ka tsela e kgotsofatsang, empa ka nako e nngwe di hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka ho thuswa; bopa mehopolo le dintlhakemo ka tsela e tsepameng le e tsitsitseng ho kgotsafatsang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka sepheo sa ho hlahisa ditema tse ntlafetseng ka tsela e kgatsofatsang, empa a thuswa nako le nako.
bua le ho nehelana ka ho qholotswa le ho kgothaletswa ka nako e nngwe ka tsela e nang le kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo ho kgotsofatsang; bontsha kelohloko e kgotsafatsang, le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka tsela e kgotsofatsang ka sepheo sa ho hlwaya tlhahisoleseding, empa o hloka thuso ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ha a hlalosa; sebedisa puo ka bolokolohi ka tsela e kgotsofatsang maemong a dipuisano.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha, empa o hloka thuso ha a sekaseka le ha a hlalosa ditema; bontsha kutlwisiso ka tsela e kgotsofatsang mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka tsela e ntle ho kgotsofatsang, empa ditema ka nako e nngwe di hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho feela a fuwa thuso e itseng; bopa mehopolo le dintlhakemo ka ho tsepama le ho tsitsa ho kgotsofatsang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka sepheo sa ho hlahisa ditema tse ntlafetseng ka tsela e kgatsofatseng, empa a thuswa.
bua le ho nehelana, ka ho qholotswa ka nako e nngwe, ka boitshepo le ka tsela e nang le kgokahano le momahano ya dintlha ka tsela e kgotsofatsang; bontsha kelohloko e kgotsofatsang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka tsela e kgotsofatsang ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding empa o hloka thuso ha a sekaseka le ho hlalosa; sebedisa puo ka bolokolohi ka bokgoni bo kgotsofatsang maemong a dipuisano.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa thahisoleseding ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha, empa o hloka thuso ha a sekaseka le ha a hlalosa ditema; bontsha kutlwisiso ka tsela e kgotsofatsang, mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi ka bokgoni bo kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka tsela e ntle ho kgofsofatsang, empa ditema ka nako tse ding di hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka ho thuswa; bopa mehopolo le dintlhakemo ka ho tsepama le ho tsitsa ka tsela e kgotsofatsang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka sepheo sa ho hlahisa ditema tse ntlafetseng ka tsela e kgatsofatseng, empa a thuswa.
E tswela pele mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka ho nepahala ho kgotsofatsang a thuswa; sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, empa hangata a ka etsa diphoso; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa tsa puo ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka ho nepahala ho kgotsofatsang, empa a thuswa; sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla empa hangata o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. puo ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang, a thuswa; sebedisa dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla empa o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha ka tsela e lekaneng, empa o hloka ho kgothatswa nako le nako; bontsha kelohloko e lekaneng, le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka tsela e lekaneng ka sepheo sa ho hlwaya tlahisoleseding, empa o kgona feela ho fihlela moelelo, ho sekaseka le ho hlalosa ditema ka ho tataiswa kgafetsafetsa; sebedisa puo ka bolokolohi maemong a dipuisano a tlwaelehileng ka bokgoni bo lekaneng.
bala le ho boha empa hangata o teana le bothata ha a hlwaya, a fihlela moelelo, a sekaseka le ho hlalosa ditema ka boyena; bontsha kutlwisiso e lekaneng, empa o a qeaqea ha a nehelana le ho tshehetsa maikutlo a hae; balla hodimo ka bolokolohi bo lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e lekaneng.
ngola le ho nehelana ka tsela e ntle ho lekaneng, empa ditema hangata di hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng, a thuswa; bopa mehopolo le dintlhakemo ka tsela e tsepameng ho lekaneng feela ka thuso e etswang kgafetsa; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotswang empa o hloka tataiso ho qoba diphoso tse rothofatsang moelelo.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha ka bokgoni bo lekaneng, empa hloka ho qholotswa; bontsha kelohloko e lekaneng le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya tlhahisoleseding ka bokgoni bo lekaneng, empa o fumana bothata ha a sekaseka, a fihlela moelelo le ha a hlalosa ditema; sebedisa puo ka bolokolohi ka bokgoni bo lekaneng maemong a dipuisano a tlwaelehileng.
hlwaya tlhahisoleseding ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha empa hangata o fumana bothata ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ha a hlalosa ditema ka boyena; bontsha kutlwisiso e lekaneng, empa o a qeaqea ha a nehelana le ho tshehetsa maikutlo a hae; balla hodimo, a bontsha bolokolohi ka tsela e lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo lekaneng.
ngola le ho nehelana ka ditema tse ntle ka tsela e lekaneng, empa hangata di bontsha ho hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng, a thuswa; bopa mehopolo le dintlhakemo ka tsela e tsepameng ho lekaneng ha feela a tshehetswa; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng empa o hloka tataiso kgafetsa ho qoba diphoso tse rothofatsang moelelo.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha ka tsela e lekaneng empa o hloka ho qholotswa ka nako tse ding; bontsha kelohloko e lekaneng le tshebediso ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka bokgoni bo lekaneng ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding, empa o fumana bothata ha a sekaseka le ho hlalosa ditema; sebedisa puo ka bolokolohi ka bokgoni bo lekaneng maemong a dipuisano a fapaneng.
hlwaya tlhahisoleseding ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha empa ka nako tse ding o fumana bothata ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ha a hlalosa ditema ka boyena; bontsha kutlwisiso e lekaneng, empa o a qeaqea ha a nehelana le ho tshehetsa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi ka tsela e lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo lekaneng.
ngola le ho nehelana ka ditema tse ntle ka tsela e lekaneng, empa hangata di bontsha ho hloka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemitsetso, maemo le dibopeho ka bokgoni bo lekaneng, a thuswa; bopa mehopolo ka tsela e tsepameng feela ha a tshehetswa; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng empa o hloka tataiso ho qoba diphoso tseo ka nako e nngwe di rothofatsang moelelo.
E tswela pele diphoso tse bohlaswa; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng ha feela a thuswa; sebedisa dikarolo tsa dipolelo tse fapaneng mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla empa o etsa diphoso tse ngata; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa tsa puo ka bokgoni bo lekaneng empa o etsa diphoso tse bohlaswa; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka tsela e lekaneng ha feela a thuswa; sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa polelo mabakeng a tshebediso ya puo ya kamehla, empa o etsa diphoso tse kgolo; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. puo ka bokgoni bo lekaneng empa o etsa diphoso tse bohlaswa; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng, ha feela a thuswa; sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa polelo mabakeng a tshebediso ya puo ya kamehla empa o etsa diphoso tse ngata; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana, empa o bontsha kgokahano kapa mamahano ya dintlha ka sewelo; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo; mamela ka tshetshefo ka sewelo ka maikemsetso a ho hlwaya tlhahisoleseding hape o fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka sewelo leha a bile a thuswa; fetisa feela molaetsa wa motheo maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka nako tse ding, empa ke ka sewelo a bontshang bolokolohi.
fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka sewelo ka nepahalo le ka boyena ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso kapa ho utlwahatsa le ho tiisa mehopolo ya hae ka sewelo; balla hodimo ka bolokolohi ka sewelo; bontsha ho ba sedi maikutlong a fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo.
ngola le ho nehelana ka ditema tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka sewelo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka sewelo, leha a bile a thuswa kgafetsa; bopa mehopolo ya motheo le dintlhakemo feela ha a thuswa empa le yona e hloka tsepamo mme moelelo wa yona o nyotobetswa ke diphoso tse kgolo; bontsha bopaki bo haellang ba ho lekola mosebetsi botjha le ho hlaola diphoso leha a fuwa tataiso kgafetsa.
bua le ho nehelana empa o bontsha kgokahano le manahano ya dintlha ka sewelo; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya tlhahisoleseding ka sewelo, mme o teana le bothata ha a fihlela moelelo, a sekaseka le ho hlalosa ditema le ha a bile a tataiswa; fetisa feela molaetsa wa motheo maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka nako tse ding, empa ke ka sewelo a bontshang bolokolohi.
fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka nepahalo ka sewelo haholo ka boyena ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso haellang mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka sewelo; balla hodimo ka bolokolohi ka sewelo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo.
ngola le ho nehelana ka ditema tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo ka sewelo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng ka sewelo leha a bile a thuswa; bopa, feela ka ho thuswa, mehopolo ya motheo le dintlhakemo empa le yona e hloka tsepamo mme moelelo o nyotobetswa ke diphoso tse kgolo; bontsha bopaki bo haellang ba ho lekola botjha le ho hlaola diphoso leha tataiswa kgafetsa.
bua le ho nehelana empa, o bontsha kgokahano le manahano ya dintlha ka sewelo; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka sewelo; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka sewelo mme o teana le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa ditema le ha a bile a tataiswa; fetisa feela molaetsa wa motheo maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka nako tse ding, empa ke ka sewelo a bontshang bolokolohi.
fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka nepahalo ka boyena ka sewelo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e haellang, mme o hlahisa le ho tiisa mehopolo ya hae ka sewelo; balla hodimo ka bolokolohi ka sewelo; bontsha ho ba sedi mehopolong fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo.
ngola le ho nehelana ka ditema tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo ka sewelo; ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng ka sewelo; bopa, feela ka ho thuswa, mehopolo ya motheo le dintlhakemo empa le yona ha e ya tsepama mme moelelo o nyotobetswa ke diphoso; bontsha bopaki bo haellang ba ho lekola botjha le ho hlaola diphoso leha a tataiswa kgafetsa.
sebedisa feela dikarolo tsa dipolelo tse bonolo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, mme o etsa diphoso tse ngata; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka sewelo, mme o etsa diphoso tse kgolo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka sewelo le ha a tataiswa; sebedisa feela dikarolo tsa dipolelo tse bonolo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, hape o etsa diphoso tse ngata; bontsha bokgoni bo fokolang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. puo ka sewelo, mme o etsa diphoso tse kgolo; hlwaya, fihlela moelelo le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka sewelo le ha a tataiswa; sebedisa feela dikarolo tsa dipolelo tse bonolo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, hape o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo fokolang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana, empa feela ka dikgefutso tse telele le ka tsela e kgaokgaohileng haholo; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka bokgoni bo haellang haholo; thatafallwa ke ho hlwaya, ho fihlela moelelo, ho sekaseka kapa hlalosa tlhahisoleseding ha a mamela ka lebaka la bokgoni ba ho mamela bo fokolang haholo; hlolwa ke ho nka seabo dipuisang ka ho phethahala ka baka la tlotlontswe le tsebediso ya puo tse haellang haholo.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa hlalosa ditema ka sewelo haholo ha a bala le ho boha; sitwa ho bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa mehopolo ya hae le ho e tshehetsa; balla hodimo ka sewelo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo haholo.
sitwa ho ngola le ho nehelana ka ditema tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; sitwa ho ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ha a ngola le ho nehelana; hlahisa feela ditema tse hlokang moelelo ka lebaka la kutlwisiso e fosahetseng ya dihlooho le puo e fokolang; sitwa ho bontsha bopaki ba ho lekola mosebetsi botjha le ho hlaola diphoso, mme o hlolwa ke ho ntlafatsa mosebetsi wa hae le ha a fumantshwa tataiso e tswellang pele.
bua le ho nehelana ka ditema empa feela ka dikgefutso tse telele le ka tsela e kgaokgaohileng; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka bokgoni bo haellang haholo; hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka sewelo haholo ha a mamela ka lebaka la bokgoni ba ho mamela bo fokolang haholo; sitwa ho nka seabo di puisanong ka ho phethahala ka baka la tlotlontswe le tshebediso ya puo tse haellang haholo.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa hlalosa ditema ha a bala le ho boha ka sewelo haholo; sitwa ho bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa mehopolo ya hae kapa le ho e tshehetsa; balla hodimo ka sewelo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo haholo.
sitwa ho ngola le ho nehelana ka ditema tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; sitwa ho ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le sebopeho ha a ngola le ho nehelana; hlahisa feela ditema tse sa utlwisiseheng ka lebaka la kutlwisiso e fosahetseng ya dihlooho le tshebediso ya puo e fokolang; sitwa ho bontsha bopaki ba ho lekola botjha le ho hlaola diphoso mme o hlolwa ke ho ntlafatsa mosebetsi wa hae le ha a fumantshwa thuso kgafetsa.
bua le ho nehelana ka ditema empa ka dikgefutso tse telele le ka tsela e kgaokgaohileng; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka bokgoni bo haellang haholo; hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa hlalosa tlhahisoleseding ka sewelo haholo ha a mamela ka lebaka la bokgoni ba ho mamela bo fokolang haholo; nka seabo dipuisanong ka ho phethahala ka sewelo haholo ka baka la tlotlontswe le tshebediso ya puo tse fokolang haholo.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa hlalosa ditema ka sewelo haholo ha a bala le ho boha; sitwa ho bontsha kutlwisiso kapa ho utlwahatsa le ho tiisa mehopolo ya hae; balla hodimo ka sewelo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo haholo.
sitwa ho ngolo ditema tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; hloleha ho ngola ho ya ka baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ha a ngola le ho nehelana; hlahisa feela ditema tse sa utlwisiseheng ka lebaka la kutlwisiso e fosahetseng ya dihlooho le tshebediso ya puo e fokolang; batla a sa bontshe bopaki ba ho lekola botjha le ho hlaola diphoso mme o bontsha ntlafatso mosebetsing wa hae ka sewelo haholo le ha a fumantshwa thuso kgafetsa.
hloleha ho utlwisisa kapa ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo, mme o bontsha feela kutlwisiso ya motheo ya mantswe a qalang/motheo le dibopeho tsa ona; sebedisa feela dipolelo tse sa tsamaelaneng le melao ya thutapuo mme o sitwa ho bontsha kutlwisiso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa kapa ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka sewelo haholo, mme o bontsha feela kutlwisiso ya motheo ya mantswe a qalang/motheo le dibopeho tsa ona; sebedisa feela dipolelo tse sa tsamaelaneng le melao ya thutapuo mme o sitwa ho bontsha kutlwisiso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa kapa ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka sewelo haholo mme o bontsha feela kutlwisiso ya motheo ya mantswe a qalang/motheo le dibopeho tsa ona; sebedisa hangata dipolelo tse sa tsamaelaneng le melao ya thutapuo mme o sitwa ho bontsha kutlwisiso ya thutapuo le tlotlontswe.
akanya - ho lekanya taba kapa ntlha e itseng empa ho itshetlehuwe hodima tlhahisoleseding/dintlha tse itseng akoronimi - lentswe le bopilweng ka ditlhaku tse qalang tsa mantswe a mang baamohedi ba ditaba - ho hlaloswa bohle ba amohelang ditaba/tlhahisoleseding ka ho bala kapa ho mamela seo sebui kapa mongodi wa tema a nehelanang ka sona bathahaselli - batho ba nang le seabo kapa kgahleho ntlheng tse itseng haholo ya hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang boeletsa - ho boela o pheta/etsa ntho hape kapa ka makgetlo boikgopotso - ke sengolwa se hlahiswang ka tsela ya tlaleho ha ho lekolwa kapa ho okola tsa bohlokwa feela ka ho hong ho itseng, e ka ba ho ikgopotsa buka e badilweng, filimi kapa ketsahalo, papadi ya kalaneng, esitana le ha e le eng kapa eng bokgoni - ke seo moithuti a kgonang ho se etsa ka mora hore a ithute se seng se itseng bolekanyetsi - tshebetso ya ho netefatsa ho bona hore mesebetsi ya tekanyetso, e seng e entswe e phethilwe e phethilwe ka tokaka ho latela dintlha tsa motheo tsa tekanyetso ka tshwanelo botemengata - tsebo ya dipuo tse ding tsa tlatsetso ntle le tsebo ya puo ya lapeng didumatshwano - ke mantswe a mabedi a nang le medumo e tshwanang, empa meelelo yona e fapane, jwaloka 'thaba' dipolelong tsena; re a thaba ha le sebeditse hantle dihlahlahlobong; re hlwele thaba dikahare - tse fuperweng ka hare ho ho hong, e ka ba ka hare ho tokomane, buka, tema, jwalojwalo dikala tsa ho lekanyetsa - ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka a kapa b) kapa ntlha jwalo ka 5/10 kapa 50% le hlaloswang ka botlalo dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato diruburiki - ke mefuta ya dikala e supang dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, mme e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng a pontsho ya ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang dikgato - mehato e fapaneng e sebediswang ho supa maemo a tshebetso ao moithuti a leng ho ona, jwalo ka a sebediswang sekaleng sa tekanyetso se supang dikgato (ruburiking)dinoutsu - dintlha tse itshetlehileng hodima taba e itseng, tse e hlakisang le ho e hlalosa ka botlalo diphetho tsa ho Ithuta- ke tlhaloso eo ho nehelanwang ka yona e bolelang seo moithuti a lokelang ho se tseba, ho kgona ho se etsa kapa ho se fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme di theilwe diphethong tse hlokolosi le diphetho tse ntshetsang pele le baithuti mme di ba dibuka tsa ho ithuta le ho rutatdibuka tse sedeswang ke matitjhere tataisa phethalhatsong ya mesebetsi ya ho ithuta le ho ruta ditema tsa mannete - ditema tse nang le mesebetsi e ka etswang kapa ho sebediswa e seng tse itshetlehileng dingolweng jwalo ka makasine, ditaba tsa koranta, dipehelo ho tswa seyalemoyeng le thelebishene, dipapatso, dileibole tsa dihlahiswa diborutjhara tsa maeto, diforomo tsa semmuso, mehlala ya mangolo a nnete ditema tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano - ditema tse fumanwang mefuteng e fapaneng ya disebediswa, tse kang ditelevishene, difilimi, jj ditshita - dintho tse sitisang hore tse tshwanelang ho etswa di se kgone ho etsahala hlalosa moelelo - ho badisisa ka maikutlo le ka maikemisetso a ho fihlella moelelo o hlahiswang temeng hlokolosi - ntho ya bohlokwa hlwaya - ho qoholla ka boqhetseke ntho e nngwe ka hara tse ding ho ba sedi - ho ela hloko ho se utlwise maikutlo a batho ba bang bohloko ho hlaola diphoso - bokgoni ba ho elellwa ho hlwaya le ho ntsha diphoso tse teng temeng, mme di bile di lokiswa ka maikemisetso a ho ntlafatsa ho boha - ho sheba/shebella kapa ho tadima setshwantsho/mofuta wa tema e sa ngolwang ka mantswe empa ho sebedisitswe setshwantsho jwalo ka khatunu, le ha e le foto kapa setshwantsho se jwang kapa jwang feela ho ikutlwahatsa (boikutlwahatso) - ke tsebo le bokgoni ba moithuti ba ho hlahisa le ho tsebisahatsa mehopolo, menahano le maikutlo a hae ka tshwanelo le ka nepo le ka tsela eo basebedisi ba bang ba puo ba tlang ho kgona le ho utlwisisa seo a se buang kapa a se ngolang ho ngola ka bolokolohi - ha baithuti ba fuwa monyetla wa ho ngola seo ba ratang ho se ngola ntle le hore ba tshwenyehe ka ho etsa diphoso. baithuti ba kgothaletswa ho ngola hangata ka moo ba ka kgonang ka teng ho okola - ho bala tema ka pele ka sepheo sa ho fumana feela mohopolo/mehopolo e akaretsang seo moithuti a balang ka sona, jwalo ka ho lekola mehopolo ya sehlooho ho ruteha - bokgoni ba ho bala le ho sebedisa tlhahisoleseding le ho ngola mabakeng a tse fapaneng.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi jakone (jargon) - puo e ikgethang e sebediswang mamemong a ikgethang a kang a kgwebo kapa porofeshene e itseng; ha puo ena e sebediswa ka tsela e sa tsotelleng bamamedi ba ditaba/babadi e ba e ama bao hampe.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi lekola - lentswe lena le sebedisitswe haholo ho bolela ho lekanya tshebetso ya moithuti kapa ho bona kgato eo a leng ho yona ka bokgoni le tsebo tseo a seng a di bokelletse lenanetsamaiso la ho ithuta - ke tokomane e nehelanang ka tataiso ya ho ithuta le tekanyetso tse lokelang ho etswa nakong ya dilemo tse tharo Mokgahlelong waThuto le Thupello e Tswellang lelatodi - lentswe le nang le tlhaloso e fapaneng ho lentswe le leng, mohlala: ho thaba ho hlonama lenanenetefatso - lenane la dintho tse hlokehang/tshwanetseng ho etswa kapa dintlha tse lokelang ho elwa hloko lengolo la ntshetsopele ya thuto le thupello (dikolong) - ke lengolo la bopaki le bontshang hore baithuti ba atlehile ho fihlella dintlha kapa matshwao ao ka ona ho ka thweng ba atlehile thutong e itseng lepata - ke mokgabiso puo oo ho ona moelelo o itseng o matlafatswang ka ho o latola jwalo kaha eka ho patwa seo e hlileng e leng sona, jwalo ka mona, ngwetsi ya rona e ne e sa ota le kgale ha e fihla mona lapeng letshwao - ntho e emang kapa e emelang ntho e itseng (mohlala: nonyana ke letshwao la kgotso) letso - lentswe le fumanweng kapa ho hlaha ho tswa ho le leng kapa ho tswa motsong maemo a tekanyetso - tsohle tseo moithuti a lokelang ho di tseba le ho kgona ho di etsa, tse kenyeleditseng bokgoni, tsebo, makgabane le tjhadimo ya ditaba maemo a tse ithutwang - tema efe kapa efe e hlahiswa le ho sebedisetswa maemo a itseng.
ke tshebediso ya puo moo sebui se sebedisang puo e nngwe ho pata moelelo wa seo a se buang ka nnete tshebediso ya puo ka tsela ya ho akanya ho itseng empa ya sebedisang puo a sa topalla boikutlwahatsong ba hae moelelo o ritsitseng - moelelo oo e seng wa sethato, empa wa bobedi oo lentswe le ka bang le ona.
moelelo o otlolohileng - tshebediso ya puo ka tsela eo moelelo o hlahellang ka ho otloloha, o hlakile ebile o topalletse moelelo wa sebolelwa - moelelo wa sethato wa lentswe mokgwa wa boinahanelo - mokgwa wa boinahanelo o sebediswang haholo ke baithuti dithutong tsohle ha ba akanya, qapa mokgahlelo - ke nako ya dilemo tse tharo tsa ho ithuta, ho tloha kereiting ya leshome ho isa ho ya leshome le metso e mmedi mokgwa - ke tsela eo mosebetsi o etswang ka yona mokgwakatamelo - ke mokgwa le tsela ya ho ruta o kenyeleditseng mawa a hlophisitsweng ka tatellano le ka tshwanelo jwalo ka ho tadima diphetho tse lokelang ho fihlellwa, moithuti eo e leng yena ya bohareng ba diketsahalo tsa ho ruta le ho rutwa, j.j mokotaba - sehlooho seo motho a ngolang, ho bua kapa ho nahana ka sona momahano (cohesion) - ketso ya ho hlahisa tshwarahano ya mehopolo e hlahamanang ka tatellano e tsamaellalang ka ho phethahala hoo e hlahisang moelelo(thlalohanyo) o utlwahalang ka phethahalo mopeletotshwano - ke mantswe a mabedi a peletwang ka tsela e tshwanang, empa a fapana ka modumo le moelelo. phapano e itshetlehile haholo hodima modumo, jwalo ka ho ana, taba le taba, mohlala: Taba ya hore Samina o imme ya nyarosa Kgwapo mmele.
ntlha eo mmui/mongodi a e emelang le ho e tshehetsa ka mabaka dipuisanong/bongoding.
sebopeho sa polelo - tsela eo polelo e bopilweng ka yona ka tshebediso ya mabopi a fapafapaneng a kenyelleditseng dikarolo tse fapaneng tsa puo, dikapolelwana, dipolelwana (polelwana kutu le tse ding) -dipolelonolo, dipolelotswako/kopane le dipolelomararane di bopilwe ka mabopi ana mefuta ya dipolelo - mefuta e fapafapaneng ya dipolelo tse fumanwang puong, tse kang dipehelo, dipotso, ditaelo, tse sebopehong sa tatolo jj.
dikarolo tsa dipolelo - dikarolo tse fapaneng tse fumanwang sebopehong sa polelo, tse kang moetsi, ketso. moetsuwa, katoloso jj.
polelokopane (compound sentence) - polelo e nang le moetsi kapa ketso tse fetang bonngwe polelomararane (complex) - polelo e bopilweng ka dipolelwana tse fetang bonngwe tse itshetlihileng ho polelo e jereng moelelo wa sehlooho phapano - ho se tshwane kapa ho fapana ho teng dipakeng tsa dintho/dintlha tse itseng phelekanyetso - ke ho se utlwahale hantle ha polelo kapa ho ipha meelelo e fetang bonngwe ha yona ka lebaka la tshebediso e bohlaswa ya mantswe kapa ya matshwao a puo phetelo - ho ngola kapa ho pheta pale ka tsela e supang kgokahano le tatellano ya diketsahalo phuputso - thuto ya ho fumana dintlha tse ntjha le ho fumana tlhahiso leseding ka thuto ke hore ho etsa dipatlisiso popeho - ho pheta/ bolela taba kgetlo la bobedi kapa la boraro porofaele ya moithuti - rekoto-kakaretso ya moithuti, ho kenyelletswa tlhahiso-leseding ka yena potefoliyo - faele ya moithuti ka mong e jereng mosebetsi wa moithuti potsotherisano - puisano pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta, e mong a botsa ha e mong a araba puisano ya dihlotshwana - ke dipuisano tse etswang ka dihlotshwana moo ho lokelang mme ho tshohlwa taba e itseng puisano le ho botsana dipotso sefahleho ka sefahleho - ke monyetla o etswang hore baithuti ba dule le ho buisana ba tadimane mahlong moo sebaka se etswang sa ho botsa dipotso le ho di araba, jwalo ka ha ho etswa ha motho a ile ho batla mosebetsi puo e hlohleletsang - puo e susumeletsang mmadi/momamedi ho etsa ho itseng kapa ho nka qeto e itseng, jwalo ka puo e sebediswang dipapatsong kapa e sebediswang ke boradipolotiki puo e hlohlelletsang e sena bonnete - puo eo mmui a e sebedisang ka bohlale ho hlohlelletsa bamamedi mme e se na bonnete puo e kgethang lehlakore - puo e nang le tshekamelo e itseng kapa e kgethollang puo e lahlehisang - puo e nang le tshekamelo e itseng empa e lahlehisang ka sepheo puo e susumetsang - puo e tsosolosang maikutlo a matla kapa e fehlang maikutlo puo e sebediswang ho bua ka thuto ya puo - puo e sebedisang tlotlontswe, leetsi, poloto, lebitso, lehlalosi j.
Dipuo - Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi puo ya bohlale - puo eo ho yona moelelo wa sethatho wa tshebediso ya puo o ritsitseng hoo ho seng ho hlahella moelelo o motjha.
puo ya lapeng - ke puo ya pele e akaretsang tikoloho eo moithuti a holelang ka hara yona, e leng ka lapeng le/kapa motseng wa habo, mme ke yona ya pele eo a ithutang yona. ha ho kgoneha puo tse fetang bonngwe di ka sebediswa ka tsela ena, hona ho bolela hore baithuti ba bang ba ka ba le puo tsa lapeng tse fetang bonngwe puo ya ho ithuta le ho ruta - ke puo e sebediswang haholo tikolohong e itseng ya ho ithuta le ho ruta.
puo ya maikutlo - puo e nang le tshusumetso kapa tlhohlelletso ya maikutlo a matla haholo puo ya sehlotshwana se itseng - puo e sa phethahalang hantle hakaalo ka tlotlontswe ya teng e sa tlwaelehang, mme e buuwang ke batho ba korolwana e itseng puo ya tlatsetso - puo e nngwe eo moithuti a ithutang yona ntle le puo ya hae ya lapeng qatsohiso - ke bonono kapa bokgeleke bo sebediswang ho hlakisa moelelo ka tsela ya ho etsa hore se neng se ke ke sa elellweha kapa sa hatelleha, se hatellehe kapa se qatsohe sehalo - paterone ya ho phahama le ho nyoloha ha lentswe e nang le seabo moelelong wa polelo sehlahiswa se phethetsweng (final product) - sephetho se hlahiswang ke moithuti qetellong ka mora hore a hlahise meralo ya pele e fapafapaneng mme se se hlaotswe diphoso tse neng di le teng se se se phethahetse sehlohlolo - karolo (haholo sengolweng) e hohelang, e thabisang ebile e na le tshusumetso e matla eo hangata e atamelang ho ya pheletsong ya ditaba sekaseka - mokgwa wa ho lekola ka botebo e le ho tshwaya diphoso tseo e bang di hlahella diketsahalong semorafe/bomorafe - dintlha tse amanang le morafe jwalo ka: mesebetsi, dipuo, tumelo, ekonomi, boitshwaro j.j semmuso - ntho e ka tlasa taolo ya molao sephetho - ditlamorao tsa ketsahalo sesosa - se fanang ka tlhahiso ya ketsahalo kapa mabaka setefikeiti - lengolo la bopaki leo moithuti a le fumanang qetellong ya mokgahlelo wa ntshetsopele ya thuto le thupello tekanyetso e tswellang - ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto e hodima ho ithuta ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng nakong ya ho ithuta tekanyetso/ ho lekanyetsa - ke hlahlobo e nang le dikgato tse tswelang pele eo ka yona ho bokellwang le ho toloka bopaki ba tshebetso ya moithuti e le hore ho tle ho nehelanwe ka qeto e hlalosang bokgoni ba hae ha bo bapiswa le Maemo a Tekanyetso tekanyetso e ribollang ditshita tsa ho ithuta - e sebediswa ho sibolla mathata a ho ithuta a baithuti tekanyetso ya motheo - ke hlahlobo e sebeditswang ho totobatsa seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba mmoho le bokgoni ba bona.
<fn>Sesotho FAL P2 Exemplar 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 21.
Bala hle dintlha tse hlahelang leqepheng lena ka hloko pele o qala ho ka araba dipotso.
O seke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Kamora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
O lokela ho araba dipotso tse PEDI kaofela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse PEDI tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
Thothokiso ya 1 - Rakgadi o kae?
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
Ho botsitswe dipotso tse tsheletseng karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ka hona he metswalle ke ile ka ithuta dintho tse ngata, jwalo ka ha o tla tloha o utlwa. Ho tsamayeng ha ka ke bile ka fihla motsaneng o mong tlase kwana, ka nqa tsa boPhiritona. Ba re ho o bitsa motsana oo, ba o tsebang, ha Ramoroko. Ho na le morena ya sa tswa shwa. Mohla a patwang ke ne ke le teng. Jwale ke ha le wena o se o ile wa hlokomela hore ke ramahlale, ke ne ke etse ka matla hore batho ba se lemohe boteng ba ka lefung leo.
Mophetwa enwa ya buang moo ke mang?
Motswalle wa mophetwa eo o mo boletseng ho 2.1 yena ke mang?
Hana mophetwa eo o mo boletseng ka hodimo ho 2.1 o ile a re ho mohatsa morena ke ngaka e hlahang kae?
Mophetwa eo o mo boletseng ka hodimo ho 2.1, o itse mofumahadi a mo lefe bokae ho ya ka taelo ya mofu morena ditorong tsa hae?
Hana baphetwa baa ba babedi, e mong le e mong o ne a tshwere eng eo a neng a batla ho e rekisa ka bonokwane?
Sesosa sa kgohlano e dipakeng tsa metswalle ee e mmedi e ne e le sefe A ke o se hlalose?
Sepheo sa Sekgukguni sa ho lahla seeta se setjha ke sefe?
Metswalle ee e mmedi e ne e dula kae?
Se neng se belaetsa mofumahadi wa morena le matona a hae ka bongaka ba Mananyetsa ke sefe?
Mophetwa eo ya buang mantswe aa o ne a ikgakantse jwang hore batho ba se lemohe boteng ba hae lefung lee?
A ke o lokodise kapa o hlalose ka dintlha tse hlano maqheka ao metswalle ena e mmedi e ileng ya a sebedisa ho mohatsa morena hore e qetelle e iphumanetse tjhelete.
Hlalosa mokgwa oo boMananyetsa ba neng ba tla o sebedisa ha ba buisana le morena ya ka lebitleng.
Diketso le dipuo tsa baphetwa hangata di re senolela botho ba bona. A ke o bapise mme o qoqe ka semelo sa baphetwa bana ba latelang. Tshehetsa ditaba tsa hao ka dintlha tse hlahellang paleng.
POTSO YA 4: BOSWEU BA LEHLW (Sello Moroe) Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Moo ke ntseng ke tsamaya jwalo, ka utlwa motho a sunya ho hong ka pokothong ya ka a ba a nyamela hang. Eitse ha ke ho ntsha, ka fumana hore ke lengolo; le le ka hare ho enfolopo. Ke ne ke thothomela, ke tshohile ntho eo ke sa e tsebeng. Ka tsamaya sebaka se sekgutshwanyane, yaba ke fihla moo ho neng ho se na batho teng, teng ka dula lejwaneng. Ka nka metsotso pele ke le bula, menahano ya ka ya farasa; ka nahana Lerato; empa a ka nkaraba ka pele tjee! Ha ke ntse ke nahana jwalo; ka le bula ke thothomela.
Ke ka pelo e bohloko ke o ngollang lengolo lena. Ke kopa hore o ikenye dieteng tsa ka ha o le bala; mme o tla utlwisisa kamoo ke ikutlwang ka teng. Ke kopa hore o se mpone jwalo ka motho ya fokolang, hoba tsena kaofela ke di etsa ka tlasa maikutlo ao ke lekileng empa ka hloleha ho a hlola. Hlomi ke o ngolla tjena ke o jwetsa hore ke a o rata, mme ke tiile. Nka thaba ho tseba hore le wena o ikutlwa feela jwalo. Ke a tseba hore pelo ya hao e ho mang; le ha re sa kopane jwalo ho ba ntho e le nngwe, ke dumela le ho tshepa hore ka tsatsi le leng re tla ba ntho e le nngwe, mme re arohanngwe ke lefu feela. Ke kopa hore o nahane ka ntho ena hantle. Sefe le sefe seo o nahanang ke le sona tseba hore ke tla dula ke o rata.
Ke ile ka ferekana, ka se ke ka utlwisisa hore ho etsahala eng. Ka dula moo ke lohotha ntho di hana ho fela. 'Empa ke mang ya tlisitseng lengolo lena Empa o a tseba hore ke rata Lerato; Banna! ebe ho etsahala eng?
Ketso ee ya ho ngola lengolo e supa hore Dineo ke motho wa semelo se jwang Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
O ka re tjhadimo ya Basotho ke efe mabapi le ketso ee ya mongodi ya ho ipuella ho eo lengolo le lebisitsweng ho yena?
Ke kgohlano ya mofuta ofe e hlahiswang ka ketso ee ya Dineo ya ho ngola lengolo lee?
Bolela dintho tse nne tseo Hlomi a neng a lora a di etsa ha a e na le Lerato.
Ditoro tsee tsa Hlomi di re senolela sefe ka botho ba hae ha ho tluwa ho tsa marato Hlalosa ka dintlha tse tharo?
Diketsahalo tsa pale ee ke tsa mehleng efe, ho ya ka kutlwisiso ya hao Fana ka lebaka la karabo ya hao?
Lerato o ne a eya kae ha a arohana le Hlomi mme lebaka e ne e le lefe?
Ke kano efe eo Hlomi a ileng a e nka ha a arohana le Lerato?
Bolela hore ke nnete kapa mafosisa hore Lerato le Hlomi ba ile ba kgaohana ka lebaka la Dineo Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Chikano a phahama moo a neng a ipatile teng, empa pelo ya hae ya phaka ho etsa hlohlodingwane ha banna ba babedi ba tshwereng dithunya ba ipetsetsa ka tlong. Le ha ho le jwalo, monna ya neng a le ka pele a emisa kulo ya Chikano ka hlooho ya hae e kgolo, hlooho ya ba ya pshatleha, a ya wela fatshe jwalo ka ntho e wang hodimo. Monna wa bobedi a re o phahamisa sethunya, empa a iphumana a se a etsa tantshi ha dikulo tse tswang sethunyeng sa Chikano di mo tabolaka. Tantshinyana ena ya motho enwa wa batho ya fela ka pele ha Chikano a mo betsa ka tholwana pakeng tsa mahlo, le teng e le tholwana eo Chikano a e betsitseng ka lonya le leholo ha a hopola lefu le sehloho la Amanda. Eitse hoba monna wa bobedi a we, Chikano a hopola moo koloi ya hae e leng teng, mme a re feela photse!
Mokgatlo wa boBiala o ne o bitswa ka lebitso lefe?
Lebaka le neng le etse hore mopresidente Ispia Monnafeela a kwetelwe ke lefe?
Ditaba tse hlahiswang sengolweng see di etsahalla tikolohong efe?
Hlalosa mokgwa oo bakwetedi ba Ispia ba ileng ba kena ka wona hoteleng eo a neng a le ho yona.
Faele eo Chikano a e nehilweng ke Zero e ne e nehelana ka lesedi lefe le neng le amana le batho bafe ba babedi?
Bobedi ba kgohlano tseo o di boletseng karabong ya hao e ho 6.10 ka hodimo ke tsa mofuta ofe Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ke ketsahalo efe e ileng ya pholosa Chikano mohla Ruth a neng a mo thunya?
Ho ne ho etsahale eng ka mopresidente Gaofetoge le monghadi Dlamini?
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 7 KAPA POTSO ya 8.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Mankepe: O nahana hore ke mang yena O hlabile ka lenaka fatshe?
Tshotleho ha e re etele bohle. Ba itse ba leka ho o besa ba polela ka thoko ho seotlo. (A tsheha hape) Tepo ya sekgo e kgaohile mme ke seo se ratlana fatshe. Hlooho ya hae ke eo e feletse ka hara botlolo. Ba sele ba sa tsebe hore nonyana e ahela ka tshiba tsa e nngwe. Ba morao sa mangole a kgoho.
Ba itshwanela hantle le terene e fihlang ka mora nako mehla ena. Ba tla swaba. A tsheha hape.
Raboditse: Hao kgomohadi, ebe ke eng ha hlathe e lelekisa tsebe Kapa o lonngwe ke mokgodutswane ke tsebe?
Nqhetsolele seyalemoyeng, empa ke hlokometse e se nako ya yona ena. O tswekerehile keng na nnyeo, ha o tsheha hore mohlahare o hlahe kaofela?
Mankepe: Dula fatshe mona ntate ke o bolelle. O monna hara banna, o tshiya di le teng, o qhoku monna ka diqhoku di batalletse, o sefika Raboditse, o saballetse. Ruri ke tla o lebala makgaba a kgahletse. Badimo ba mphile ka letsohong ka nnete. Ha ho monna ya tjhatsi jwalo ka wena naheng ena. O senatla, monna wa makgonthe.
Raboditse: Ha se bohlale ba ka boo, ke bohlale bo tswang ho baholo ba ithoballetseng esita le ho morena ya okametseng bohle (A kgutsa). O a bona ha o bua ka mofufutso wa phatla tsa rona tjena ka baka la hae. Ha o bua ka tema eo hore ke o bolaye ke o qetelle kwana. Le majakane eo taba a a e dumela.
Moko wa ditaba o hlahisitswe ka tsela efe ho tsee tse latelang?
Ke tlwaelo efe e mpe eo lelapa la ha Raboditse le neng le na le yona?
Kgohlano e neng e le pakeng tsa Raboditse le Motaung ke ya mofuta ofe Hobaneng ha o realo?
Sesosa e ne e le sefe se neng se etsa hore lelapa la Raboditse le se utlwane le lelapa la Motaung?
Ke sebapadi sefe se neng se hlohlelleditse qabang lapeng la Raboditse le lapeng la Motaung?
Na o ka re sebapadi see seo o se boletseng karabong ya hao e ka hodimo (ho 8.2.3), se wela lehlakoreng la bobe kapa la botle, mme hobaneng ha o realo?
Puo ya Basotho e teng e reng 'bitsolebe ke seromo' hape ho boetse ho na le enngwe e reng 'bitsoletle ke thoris'. Hlalosa hore le leng le le leng la mabitso alatelang le wela mokgeng ofe (ho e boletsweng ka hodimo) mme o tshehetsekgetho eo ya hao ka lebaka le itshetlehileng ditabeng tsa tshwantshiso ena.
Basotho ba re 'E bona mahe leraba ha e le bone'. Hlalosa bonnete ba maele ana o ipapisitse le diketso tsa Motaung tshwantshisong ena.
O ka re ke sefe seo Mmankepe a se bolelang ka mantswe aa, 'Tepo ya sekgo e kgaohile mme ke seo se ratlana fatshe' Hlalosa o ipapisitse le ditaba tsa tshwantshiso ena?
Ke sefe seo Nkepe a neng a se kgothalletsa Tiisetso ho se etsa.
Seo Raboditse a se bolelang ke sefe ha a re, 'Hao kgomohadi, ebe ke eng ha hlathe e lelekisa tsebe Kapa o lonngwe ke mokgodutswane ke tsebe Ke re o mametse Nqhetsolele seyalemoyeng, '?
Ka mantswe a hao hlalosa hore o ka re molaetsa wa tshwantshiso ena ke ofe?
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng palekgutshweng e le NNGWE eo o ithuteng yona selemong sena. Araba POTSO ya 9 KAPA POTSO ya 10.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Mosadimoholo Madiepollo a dula a itlaleha lehlaba le mo nkileng dilemo tse ngata le hana ho fola. Lehlaba lena le ne le etsa hore e be esale a sekame moalong wa hae mane motsheo. Ka letsatsi le leng Makatikati e leng mora a le mong feela wa Madiepollo a re balakatha! Hoja a ne a sa lebellwa, ka ha e ne e le dilemo tse balwang ka mashome e sa le a kgolwa. Batho ba bangata ba ne ba se ba mo tetse ka kgopolo ya ho re o se ne a ye boyabatho. Eka Makatikati o tena a etla tjena ka lebaka la hobane o ne a ile a teane le ya ileng a mo bolella ka bophelo bo fokolang ba mosadimoholo.
Mosadimoholo Madiepollo a se kgitla habohloko habedi hararo yaba o a thola. Ho ile ha ba le kgutso ka ha o ne a se a sa bokolle empa ha e le marameng a hae dikeledi tsa nna tsa keleketla marameng a hae ho ya ho ile. Dikeledi tsena e ne e le yona meokgo ya thabo hantle. Yare bohle ba sa maketse ba utlwa mosadimoholo a se a re: "Modimo wa ka, Modimo o re bopileng, Ke a o leboha ntate ha e le mona o nkopanya le bana ba ka diphateng tse tjhesang. Haholoholo ke o leboha ha e le mona o kgutliseditse mora wa ka Makatikati hae." Ha mosadimoholo a qeta ho bua puo ena ya hae eo ho neng ho bonahala hore ke thapelo, a shebela ka lehlakoreng le leng.
Kgaitsedi ya Makatikati e ne e sebetsa hokae?
Bolela mabitso a baradi ba kgaitsedi ya Makatikati.
Mosadimoholo Madiepollo o ne a ahile motseng ofe?
Ho ya ka kgopolo ya hao, lehlaba le neng le tshwenya mosadimoholo Madiepollo le ne le bakwa ke eng Hobaneng o realo?
Hoba Makatikati a fihle hae, mosadimoholo o ile a lla ha bohloko. utullotse maikutlo afe ho mosadimoholo?
Mantswe a Mmadiepollo puong ya hae a re bontsha hore mosadimoholo ke motho wa mofuta ofe ho tsa tumelo?
Bolela dingongoreho tse pedi tse ileng tsa hlahiswa ke kgaitsedi ya Makatikati ka ngwanabo le mohatsae.
Ha Makatikati a inyatsa mme a etsa tshepiso ya hore o tla nka batjhana ba hae ho ya dula le bona, mma bana bao o ile a ikarabela kaho reng qetong eo ya Makatikati?
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane. Ruri ke sa tla phela." Hoba a realo yaba o se a leba dikgomong. Ha Makatikati a fihla hae a omanya mohatsae a ba a mo tshepisa le tsela. Mosadi enwa a utlwa a maketse hore na jwale ebe o se a entse eng ena e seng e bile e ka e etsa hore a lelekwe. Mosadi wa batho a tla a le bona, empa a iteta sefuba a botsa Makatikati hore na o mo tsekisa eng. Hona ho Makatikati ha se ke ha hlahisa lebaka hwa mpa hwa mo tlatsela. Ha e le Dieketseng mane moo a leng teng o ne a bua ka pelo. "Ra tla ra le bona rona nthwana tsa batho. Ekaba re ne re tlilo batlang moo. Na ke nna eo ke hobositsweng ka kgoboso eo ke hobositsweng ka yona Ekaba re tla fihla ha nkgono jwang hona neneng Ena taba ke lokela ho e jwetsa Tlalane." O toutile jwalo ho fihlela ba kena tlong. Ha a lokela ho bolella Tlalane tsa masimong a tjha ntshi?
Ha Makatikati a tla re "Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane. Ruri k sa tla phela." Ho ne ho etsahetse eng?
Leano leo Makatikati a ileng a le sebedisa hore se etsahetseng seo boletseng ho 10.9 se se tsejwe ke lefe?
Ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe qotsong ee, Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane''?
Hlalosa se bolelang ka mantswe ana 'perekisi le lengangajane' ho ya ka karabo ya hao eo o e boletseng ho 10.11.
Se neng se etsa hore Dieketseng a tsebiseetsahetseng, seo o se boletseng ho 10.9 ke sefe?
Ha mapolesa a fihla, Makatikati o ile a kena seaparong sa hae sa kereke. Qoqa mme o hlalose semelo sa Makatikati ka mela e meraro.
Na diketsahalo tsa palekgutshwe ee di a kgolweha Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang?
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tse NNE (POTSO ya 11 - 14) tse botsitsweng karolong ena, ebang o ithutile dithothokiso selemong sena. Araba potso tse PEDI feela karolong ena.
Hopola hore o lokela ho araba dipotso tse PEDI ho tswa dikarolong tse PEDI feela. Ebang o se o arabile dipotso tse pedi dikarolong tse ka hodimo (potso e le nngwe ho KAROLO ya A, le e le nngwe ho KAROLO ya B kapa e le nngwe ho KAROLO ya C), se tswele pele ho araba dipotso karolong ena.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Rakgadi o kae?
Rakgadi o kae?
O ile rakgadi Lejweleputswa.
Phetapheto ya mantswe (Epanalepsese) e fumanwa meleng efe?
Ha ho na letshwao la ho bala qetellong ya molathothokiso wa 5. Tshebediso ee ya bokgabo ba bothothokisi e bitswa eng?
Molemo wa tlhokeho ee ya letshwao la ho bala qetellong ya mola ke ofe thothokisong?
Nehelana ka molathothokiso o le mong moo lebotsi le fumanwang.
Hlalosa bohlokwa ba tshebediso ya lebotsi molathothokisong oo o hlahisitseng karabong ya hao e ka hodimo (11.4.1).
Kgefutsohare (sejura) e fumanwa molathothokisong ofe?
Bolela bohlokwa ba tshebediso ya kgefutsohare (sejura) eo o e boletseng karabong eo ya hao e ka hodimo (11.5.1).
Nehelana ka lentswelekgohledi molathothokisong wa 6.
Kgokahano ya melathothokiso ya 10 - 12 e bitswang?
Bolela mosebetsi wa kgokahano eo o e boletseng ka hodimo ho 11.7.1.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Thoko wa re kgothometsa maralleng wa re lahlela.
Wabo morabe o lokela ho metswa.
Thothokiso ena e nang le melathothokiso e leshome le metso e mene e bitswa eng?
Nehelana ka letshwao le leng la mofuta ona wa thothokiso ntle le hore e na le mela e leshome le metso e mene.
Ho na le tatellano ya mantswe e sa tlwaelehang molathothokisong wa 4. bokgabo bona ba bothothokisi bo bitswang?
Bontsha ka bokgutshwane kamoo sethothokisi se hlahisitseng kganyetsano thothokisong ena.
Bolela hore phetapheto ya moelelo e hlahella meleng efe o nto bolela hore ke mantswe afe a re bopelang mofuta ona wa phetapheto.
Ke phetapheto ya mofuta melathothokisong ya 2 le 3?
Tlohelo e hlahella lentsweng lefe molathothokisong wa 14 Lentswe leo le nang le tlohelo le baleha ka mokgwa ofe ha le feletse?
Molemo wa tlohelo ke ofe thothokisong?
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
2 3 4 Meya e a feralla Pula tsa ruthutha. Lebatama la hlola lefatshe Ramasedi a re etela.
6 7 8 Lapeng la Kgatebe pehi ya dula, Batho kgotso ya fetoha maswabi, Ntate a bitswa hae kgotsong, A bitswa ke sa ikanya menwana.
14 15 16 Basotho ntate a ollwa mobung Ka polao e sehloho a oroswa. Thipa ya bolaya ka hlollwa, Joo! Lefu o sehloho.
Bolela hore thothokiso ena ke ya mofuta ofe mme o be o hlahise lebaka bakeng sa karabo ya hao.
Bolela lebitso la sekapuo se sebedisitsweng qalehong ya melathothokiso ya 10, 11 le 12.
Qoholla molathothokiso o hlalosang ho re sethothokisi sedilengwaneng tse tlase ha se ne se hlokahallwa.
Qoholla molathothokiso oo ho ona ho hlahisitsweng tshwantshanyo kapa papiso.
Qoholla lentswelekgohledi le hlahellang ho molathothokiso wa 2. Hobaneng ha lentswe leo le bitswa lentswelekgohledi.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re ke hobaneng ha sethothokisi se re mma sona o ile a 'qobellwa thapong'?
Ha ho letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 13. letshwao la puo bo bitswa eng bongoding ba thothokiso?
Bohlokwa ba bosiyo boo ba letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 13 ke bofe?
Ha ho thwe 'Lapeng la Kgatebe pehi ya dula'. Bolela lebitso la mokgabisopuo o bontshitsweng ka mongolo o ntshofaditsweng.
Karaburetso e hlahellang molathothokisong wa 10 ke ya mofuta ofe?
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
2 3 4 5 6 Thabadimahlwa ha morena Mafafa, Thaba di mehodi habo kgotso le nala, Ho ne ho le teng pabala ya mosadi, Mahlo a le bophatswana ba lehodi, Meno a le bosowana e le phopi ya lebese, Nko e tjhorile jwalo ka nale ya motjhini.
8 9 10 11 12 Mosadi eo ka lebitso ke Mmadiberwane, Motho e le sentebale nonyana ya lewatle, Motho e le setshwana se moropotsana, Theka e ka la mmamodukule, Ngwana a rafohile a tshaba lefatshe, Ngwana e le seilatsatsi wa tshomong.
14 15 16 17 18 Mmadiberwane e ne e se sebapallo, E ne e se potele e kgwathwang ka lehlaka, O ne a tshajwa ke bana le ke bomma bona, A tshajwa ke basadi le banna ba bona, Mosadi o mo otla a mo tlole hodimo, Monna a mo diha a mo kotsame hodimo.
Sekapuo se sebedisitsweng molathothokisong wa 4 se bitswa eng?
Sethothokisi se sebedisitse mantswe ana 'basadi le banna' molathothokisong wa 16. Sebetsa see sa bothothokisi se bitswa eng?
Karaburetso e fumanwang molathothokisong wa 18 e bitswa eng?
Qoholla mantswe a bopileng melathothokiso ya 1 le 2.
Qoholla lebitsomararane le fumanwang temeng ya pele, mme o be o bolele bohlokwa ba tshebediso ya lona.
Bolela hore mofuta oo wa thothokiso o bitswa eng?
Bolela letshwao le le leng leo mofuta ona wa thothokiso o tsejwang ka lona.
Ha ho letshwao la ho puo qetellong ya molathothokiso wa 3. Bosiyo boo ba letshwao la puo bo bitswa eng bongoding ba thothokiso Molemo wa bosiyo boo ba letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 3 ke bofe?
Bolela mofuta wa phetapheto e hlahellang ho molathothokiso wa 11. mantswe afe a re bopelang phetapheto eo?
<fn>Sesotho FAL - P1 Memorandamo 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 4.
Hore Sekgukgune a se bipetswe ke mobu.
Hore lentswe la Sekgukguni ya kentsweng lebitleng la Ramoroko le tle le utlwahale ha a laela mofumahadi ka tsa tefo.
Mafosisa. Ngaka e ile ya thoba dihlabi feela, ha e a ka ya mo fodisa.
Morena o hlokahala tjena...
O tla bipetsana.
Ditulo, Khemera, thaolo, lebokoso la ho tshwara dijo / dino tse hatseditsweng.
E ratwa haholo ke bashanyana.
Basotho ba ne ba ntse ba e bapala seholoholong.
E bapalwa ke dibapadi tse pedi, di sebedisa matsoho le maoto.
Ho hlokeha matla le maqiti a ho leka ho diha e mong.
E kgothalletsa mmele o shahlileng.
Motsamaisi wa yona o hlokomela hore dibapadi di se ntshane kotsi.
Ya dihuweng o hlotswe, o a amohela.
E.H. Ho amohelwe mantswe a pakeng tsa 60 le 70 ho latela ditaelo.
Mohlomong motho o sitiswa ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Mohlomong motho a ka sitiswa ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Jwala bo nowa ke baithuti ha ba le sekolong.
Lehlalosi la nako. Baithuti ba ntshepisitse hore ba tla sebetsa ka thata selemong sena.
Sefate seo / seno se haufi le ntlwana se nosetswa ke mang?
Hantle hampe: Morwesi o apere hampe kajeno.
Haufi hole: Toropo ya Maseru e hole le sekolo sa heso.
Noka letswai pitseng eo pele nama e butswa.
Nkgono o robetse a opelwa ke noka.
Baithuti ba fumane ditokomane tsa bona hobane ba sebeditse hantle ditlhahlobong tsa bona.
Sona se qadile ka mafu a mangata.
K e amohetse lona le tswang ho mopresidente.
Hapa meputso e fihlellang ho R111 000. Se bonahala ho feta tsa dihlooho tse ding.
Ha se dintlha tseo babadi ba tlo bala ka tsona.
Tjhentjha bophelo ba hao ka ho ba setho sa BONA Club.
Tse tshosang. Banna ba SA ba botswa tlolo. Ha se banna feela ba botswa, le basadi ba teng ba botswa.
<fn>Sesotho FAL P1 Feb-March 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephu a 6.
E ne e le basadi ba dilemong tse fetang 40.
Ke ka lebaka la hobane ha le kgetholle mme le bile le bolaya basadi ka bongata bo makatsang.
Ho hlaloswa hore kankere ha e kgetholle batho/basadi ho ya ka dilemo tsa bona, e hlasela basadi kaofela.
Ha hlahala e phatloha, e kena methapong ya madi e phalle le madi mme ebe e tlalatlala mmeleng e nto itulela moo e ratang mmeleng wa motho.
Ev; setjhaba se ka fola molemo ka ho itlhahloba. Sena se ka etsa hore motho a thibele kankere e sa qala mmeleng.
E ke dumellana le onav. Ha batho bohle ba ka tseba ka lefu lena mme ba tseba le ho itlhahloba lona ba tla tseba ho e elellwa e sa qala mme ba ka fumana pheko kapele.
Phoka kopi e tjhesang o utlwe ha mahlaba a fela pele kopi e fela.
Batswadi/Bommev. Ho thwe e kgethwa/ratwa ke bona.
Sepheo ke ho toboketsa/hatella hore Medsip ha se sopho.
Ke mohopolo feelav.
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Beke di nne dithuto di qadile yunivesithing ya Turfloop. Mekete ya ho bula selemo e fedile. Jwale barupelli ba batla mosebetsi wa bona. Barupelli ba bang ba hlwahlwa, ba tseba seo ba se etsang ha ba bang ba jesa baithuti boloko. Ba tsebang seo ba se etsang ba kgothatsa baithuti. Ho teng baithuti ba tletseng papadi le ho ithabisa empa mosebetsi o salla morao. Ba jwalo ba phetapheta sehlopha ka makgetlo.
Kabo ya matshwao: 1.
E nngwe = A ko ntlisetse panana e nngwe.
Motshwayi a hlokomele hore ke mehlala feela.
Ke ne ke dutse ke le mong to!
Nahana monahano = Ke ile ka fihlelwa ke monahano wa hore ke thobe mono bookelong.
Letsoho: e seng setho sa mmele empa boemo ba motho ba ho ba mothusi.
Baetapele ba setjhaba ba lokelwa ke tlhompho. Tema e hlalosa hore phutheho e ile ya ema ka maoto ha tonakgolo le moifo wa hae ba fihla.
<fn>Sesotho FAL P1 Feb-March 2009.txt</fn>
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Dipatlisiso di bontshitse hore mosadi a le mong ho ba 36 a ka ba le mofuta o itseng wa kankere; hape di bontshitse hore kankere e ka bolaya batho ba ka bang 500 000 ka selemo, mme ba ka bang 3 000 ba bona ke ba Afrika Borwa. Kankere ya matswele e tshajwa ke basadi bohle lefatsheng ka bophara, ho sa kgathalatsehe hore o na le dilemo tse kae kapa ke wa morabe ofe. Ha e kgetholle, e bolaya basadi ka bongata bo tshabehang.
Ho ya ka Martha Molete wa SANCA, mehleng ya kgale kankere e ne e le matla ho basadi ba dilemo tse ka hodimo ho 40. O re matsatsing a kajeno e se e hlasela le ba banyane ho feta moo. Basadi ba batho ba batsho le bona ba se ba lokela ho ba sedi le ho ngongoreha haholo tabeng ena, ka ha le bona e se e ba hlasela ho feta pele. Dilemong tse ka bang 20 tse fetileng e ne e le matla haholo ho basadi ba Makgowa. Sephetho se sibollotsweng le ho phatlalatswa ke lesedinyana la British Journal of Cancer maqalong a selemo, se bontshitse hore basadi ba batho ba batsho e ba hlasela ha ba le dilemong tse 40 mme ba Makgowa bona e ba hlasela ha ba le dilemong tse 67.
Kankere ya letswele ke mofuta wa kankere o fumanehang diseleng tsa matswele. Kankere e bakwa ke ha disele di tlaila mosebetsi wa tsona mme di qetelle di lobokane ebe sena se lebisa ntlheng ya ho re hlahala e bopehe. Nahana ha disele di se di tlaila mosebetsi wa tsona hore ho ba jwang. Di ba kotsi bophelong ba motho. Ka nako e nngwe di ka ba kotsi, mme ka e nngwe tsa se be kotsi. Ha jwale mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o se o fumane mefuta e fetang 70 ya dihlahala tsa matswele. Ha hlahala e na le kankere, e ka phatloha ya kena methapong ya madi, e phalle le ona e nto tlalatlala mmeleng mme e qetelle e dula le ha e ka ba kae feela mmeleng. Sena se bitswa ka ho re ke 'metastasis'.
Mofuta ona wa mofetshe (Kankere) o ka nna wa fetela matshwafong, sebeteng, bokong, masapong, haholoholo diphakeng, ditlhafung le dikgopong. Hape e rata ho kena letlalong la letswele, ka mahafing le masapong a molala. Sesupo sa pele sa kankere ya letswele ke hlahala. Ditshwelesa tse ka mahafing le tsona di ka nna tsa eba sesupo sa kankere. A mang a matshwao e ka ba ho fetoha ha boholo ba matswele, sebopeho sa ona, ho ba le dibotjhe (mekotjana) letsweleng kapa hona ho qhitsa lero letsweleng. Ha kankere ya letswele e hlasela, letlalo le shebahala e ka le ruruhile.
Kankere e ka hlasela batho bao lapeng ho nang le nalane ya motho ya kileng a tshwarwa ke yona, motho ya itsibolang ka mora dilemo tse 35, ngwana ya qalang ho ya dinakong tsa hae pele ho dilemo tse 12 kapa mosadi ya yang dinakong ho fihlela a le dilemo tse 50. Kankere e ka alafuwa ka khemotherapi (chemotherapy) e leng ho tjheswa ha kankere ka metjhini e ikgethang, ka ho ntshwa ha dithishu tse ngata letsweleng kapa ka ho sehuwa ha letswele kaofela.
Motho a ka itlhahloba kankere ka boyena kapa a hlahlojwa ke ngaka ka ho etsa diteko tsa 'mammography'. Ho hlahlojwa ka X-ray ho a potlaka mme ho ntsha diphetho tse nepahetseng, ho bile ho fokotsa menyetla ya ho hlaselwa ke kankere ka diperesente tse 20 ho ya ho tse 30.
Ke basadi ba dilemong dife ba neng ba tshwarwa ke lefu la kankere mehleng ya boholoholo?
Fana ka lebitso la lesedinyana la mokgatlo o entseng dipatlisiso wa ba wa phatlalatsa sephetho se bontshang ka moo lefu la kankere le hlaselang basadi ka teng.
Hobaneng ha lefu lena la kankere le tshajwa ke basadi bohle lefatsheng ka bophara?
Ho ya ka moelelo wa tema ee, ho hlaloswa eng ha ho thwe, 'kankere ha e kgetholle'?
Kankere e tshwara batho ka mabaka a itseng ho ya ka tema e ka hodimo. Tadima mabaka ana a latelang ebe o hlwaya lebaka le le leng le fosahetseng?
Ha ngwanana ya qalang dinako tsa hae a le dilemo tse ka tlase ho tse leshome le metso e mmedi.
Ha mosadi a bona dinako tsa hae ho fihlela a ba le dilemo tse mashome a mahlano.
Ha motho wa mme a qala ho ba le ngwana wa matsibolo a se a tlotse dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano.
Ha motho wa mme a se a hodile a le dilemong tse dipakeng tsa mashome a mane le tse mashome a tsheletseng le metso e supileng (40 - 60).
Ha e mong wa lelapa kapa wa leloko a kile a tshwarwa ke kankere.
Letshwao la pele le hlokolosi leo kankere e itshupang ka lona e ka ba le le leng ho a hlahisitsweng lenaneng lena le latelang. Kgetha le nepahetseng.
Disele tse tlailang mosebetsi wa tsona.
Boholo ba matswele bo fetohang.
Disele tse lobokaneng.
Mekotjana e hlahellang letsweleng.
Ho ya ka wena, na mongodi wa tema ee ha a kgetholle ka ho ngola ka lefu le tshwarang basadi haholo?
Na o nahana hore setjhaba se ka fola/fumana/una/kgola ditholwana tse molemo ha se itlhahloba ho bona hore na ha se na kankere Tshehetsa karabo ya hao?
Na o dumellana le maikutlo a mongodi a ho re sekgahla sa kankere se ka fokotswa Hlalosa karabo ya hao?
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso tse theilweng hodima yona.
E jwalo ka sopho ya kgoho empa ha e a etswa ka kgoho. Ebile ha se le sopho.
Ho latela polokeho le pheko e tshepehang ho fodisa mahlaba le sefuba, bomme ba kgetha Panado. Phoka kopi e tjhesang o utlwe ha mahlaba a fela pele kopi e fela. Potlakela Medsip ha matshwao a mohatsela le ntaramane/flu e kokota monyako mme o tsote ha motswako o matla o sebetsa, o o thoba o bile o o hlabolla. Motswako ona o fumaneha ka tatso ya mahe a dinotshi/manyepe (honey) le lamunu e bodila (lemon) Medsip e na le Vitamin C ebile ha e na tartrazine.
Bolela ditatso tse pedi tseo Panado Medsip e fumanehang ka tsona setshwantshong se ka hodimo.
Polelong e ka hodima setshwantsho, ho na le mantswe a ntshofaditsweng O nahana hore ke hobaneng a ntshofaditswe?
Ebe polelo e ngotsweng ka botsho ke ntlha kapa mohopolo feela Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao?
Bala ditaba tsa temana e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ka mora beke tse nne dithuto di se di qadile Turfloop, ya qala ho fokotseha thabo ya ho qala ho kena yunivesithing, dithuto tsa hakala, ra shebana le barupelli, ba batla mosebetsi wa bona. Meketenyana yane ya ho bula selemo e se e fedile. Motho o ne o ipotsa hore ba bang ba fihlile jwang moo, hoba ho ne ho se kwae komeng. O ne o tla fumana motho a takile mosebetsi wa hao ka pene e mmala o mofubedu, o bone eka qephe le dutla madi ke ho takwa, a botsa hore mosebetsi ona o o nka kae. Ba qala ho ntshulafalla bophelo ba yunivesithi hoja ke ne ke bo thabetse. Ka hopola Mpho ha a ne a re re ye Wits. Ka bona hore yena o a rutwa moo a leng teng e seng boloko boo re ntseng re bo jeswa mona.
Ha ke realo, ha ke bolele hore barupelli kaofela ba ne ba le jwalo, tjhe! Ba bang ba ne ba le hlwahlwa, motho a tseba mosebetsi wa hae, mme a o etsetsa makgetheng. Ba bang ba bona ke a ipotsa hore ba ne ba kgona jwang lefifing leo. Bana ke ba neng ba re kgothatsa, re matlafala ha re hopola ka moo ba rutang ka teng. O ne o ka bona ha barutwana ba ya thutong tsa bona ba hatela hodimo, ba phahametse mapoqo, ba nyoretswe thuto. Ka nqe nngwe le ho barutwana ho ne ho ntse ho le jwalo, ho na le ba tlisitseng papadi le boithabiso, motho a pheta sehlopha a sa tswa se pheta.
Bala tema ena o ntano araba dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Nakong ena basebetsi bana ba ne ba qhomaka ba kopanya mohobelo le moqoqopelo. Ka nako e nngwe ba binela tlase ha e mong yena a tleroletse hodimo, a etsa thoko e hlalosang ka moo ba sebetsang ha boima ka teng mona bookelong le tshwaro e mpe eo ba phelang tlasa yona. Ha ke utlwa tsena ka utlwa bohloko ka nnete. Ka maikutlo ka lla le bona. Kelellong ya ka ha nna ha phatsima sefahleho sa Tshepiso Seboni, ha a ne a tlilo mpona la qetelo pele ho tsena. Ka bona ho sarelwa ha hae. Tjhe, ka utlwisisa jwale. Ka utlwisisa boitseko ba bona. Ka hoo le nna ka ikenya eteng tsa bona.
Ka mora nakwana basebetsi bana ba batho ba nna ba tsamaya ka dihlotshwana jwalo ho fihlela ba be ba nyamela. Ha sala ho thotse tu mona bookelong!
Mantsiboya ke ne ke dutse ke le mong ke hlorile, ke lapile, ke nahana ka bophelo ba ka. Lenyora le lona le iphile matla. Ka mona ngaka e nkwalletse tjhankaneng ya bethe. Ke tlanngwe maoto. Ha nka shwela moo ke ntse ke tlanngwe maoto Ena ke potso e ileng ya ntshosa. Ke ne ke le tsietsing jwale. Ka hoo, ka lokela ho leka matsapa ohle. Ntho ya pele, ka qala ka ho kgaola seo ke neng ke tlamelletswe betheng ya sona. Ka itahlela fatshe ho ya batla metsi le seo nka se jang. Ke ne ke se ke sa kgathalle molao wa ngaka, ke habile ho pholosa bophelo ba ka. Ka hahaba ka tswa?
Ha ke qeta ho tswa ka phaposing, ka fumana mangolo a hasane fatshe. Ka bala le leng la ona. Mona basebetsi ba ne ba tsebisa beng ba bakudi ho tla lata bakudi ba bona, ka ha bona basebetsi ba ne ba ka nna ba ngala mosebetsi hona tsatsing leo. Hona ha mpontsha hore e ka nna ya ba nnete hore ke setse ke le mong mona bookelong. Ka ya pompong ho ya nwa metsi. Metsi a ne a le siyo. Ka boela ka ya ho e nngwe, le teng a ne a ntse a le siyo. Ka hoeletsa. Ha se be le motho ya hlahang. Ka bona lebokose le le leholo le lefubedu thokwana mane. Mangole a ka a nthusa ho ya fihla ho lona.
Dipolelong tse latelang ho sebedisitswe maadingwa/melata. Ngola mantswe a nepahetseng a Sesotho a fumanwang temeng.
Ha sala ho thotse tu mona sepetlele!
Ka hoo ka lokela ho leka dipolane.
Polelong ena e latelang lekgethi le sehelletswe mola: 'Bana ba banyenyane ba amohetswe bookelong.' Seratswaneng sa pele qolla lekgethi le le leng o be o le sebedise polelong ya hao.
Polelo ena: 'Ke habile ho pholosa bophelo ba ka', e ngole hape empa jwale o se o e fetoletse boiketsing.
Ka bala le leng la ona.
Ke ne ke dutse ke le mong...
Ngola polelo e latelang hape empa o e fetolele sebopehong sa potso eo karabo ya yona e tla ba (supa) lehlalosi la sebaka/tulo.
Fetolela polelo e latelang ho lekgathe lejwale letswelli: 'Mangole a ka a nthusa ho ya fihla ho lona.'
Ngola polelo e latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Ena ke potso e ileng ya ntshosa.
Hlopholla/qhaqholla polelomararane e latelang ka ho ngola dipolelwana tse boletsweng.
Basebetsi ba binela tlase thoko e hlalosang ka moo ba sotlwang ka teng.
Lebitso lena mohobelo, le tswa ho leetsi 'hobela'. Ka maetsi a latelang ipopele mabitso o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
Bala tema e latelang o nto araba dipotso tse theilweng hodima yona.
Ke sa ntse ke balabala jwalo, batho refo, ba ema diphashasha. Moo ke ntseng ke thalatsa mahlo, ke ha ba nwabeleditse ba habile kalaneng. Ha ba fihla, ba fihla ba fola moo, ke anetse ho ba re hedi feela, mme ka bona eka tonakgolo e potilwe ke dihlooho tse pedi tsa mafapha a itseng. Letsoho la hae lona, mofumahadi Hatabatsabatho, ke ha a le haufiufi le yena. Phutheho ya emela hore tonakgolo le moifo wa hae ba dule fatshe. Ka mora moo, ya ba hona yona e dulang. Ka ha tsona di sa timanwe jwalo ka bohobe, menyenyetsi e ne e se e ntse e ipetsa hore ho na le letona le seng le rathilwe ke selepe. Jwale kajeno setjhaba se tlo tsebiswa taba eo.
Ho ya ka tema ena, mantswe a latelang a sebedisitswe ho supa moelelo ofe Hlalosa seo o se bolelang?
Ke mantswe afe a tsebisang hore ka nako eo, mopheti wa ditaba tsena o ntse a bua ka pelo?
Ho na le letona le seng le rathilwe ke selepe.' Ka puo e tlwaelehileng polelo ena e reng?
Makgabane a kgothalletswang ke tema ena ke afe Hobaneng o realo?
<fn>Sesotho FAL P1 Feb-March 2010 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 7.
A seng makae/a mmalwa.
O itshenyetsa nako/Ha ba no o hlompha le kgale.
Ka nako e ngata ba ikgethollotse.
Hobane metswalle eo e se ya nnete.
Ba tla o sebedisa hampe/Ba tla o sebedisa molemong wa bona.
Ho etsa hore batswadi ba bona, ba hloye batjha ba bang hobane ba re ke bona ba ba rutang tse tswileng tseleng.
Jara boikarabelo ba diketso tsa hao.
Ka nako tsohle motjha o na le boikgethelo, ha a hatellwe/qobellwe ho etsa se itseng.
Se lokela batho ba matlalo a mafura hobane ho thwe mafura a ka monyeha letlalong ka botlalo.
Ke mohopolo feela lebaka ke ho hohela bareki.
Ha ho na bonnete kapa bopaki ba hore matlalo ohle a kgonwa ke Johnson's.
Motswako wa lero la morara le monyang mafura ka ho panya ha leihlo hobane le tlosa mafura a sa batleheng sefahlehong.
Ho thwe e ka etsa hore botho ba motho bo kganye hore sefahleho se se benye.
Matlalo ohle a rata Johnson's le yona e a a rata, hobane e kgothalletswa mang le mang.
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Feme e itseng e qobella basebetsi ho etsa diteko tsa HIV.
Ba bang ba basebetsi ha ba batle ho qobellwa ho etsa diteko ka ha ke dilemo ba sebetsa moo.
Ramosebetsi o tshosa basebetsi ka hore ya sa etseng diteko o tla lahlehelwa ke mosebetsi.
Mokgatlo wa basebetsi o kgahlano le ho qobellwa ha basebetsi ho etsa diteko.
Mokgatlo o tshosa ramosebetsi ka ho mo isa lekgotleng la dinyewe.
Ho qobellwa ho etsa diteko tsa HIV ha ho molaotheong wa naha.
Ramosebetsi o leleka baqolotsi ba ditaba mme o tshepisa ho ba bitsetsa sepolesa ha ba sa tswe ka femeng ya hae.
Kabo ya matshwao: 1.
ho fokotswe letshwao le 1.
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3.
ho fokotswe matshwao a 2.
Ho fokotswe letshwao le 1 matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Ho na le bosara bo boholo kerekeng ya Roma.
Mohlankanyana enwa ya nyetseng moradi wa Thulo o a tella.
Ngwanenwa wa ka e se e le morwetsanyana.
Malapeng a bo bona ba ne ba ka susumetswa ho ya kerekeng.
Mokgwenyana wa Mofokeng o sa tswa boloka mohwe wa hae.
Kereke e ne e ka ratwa ke batjha haholo.
Dibaesekele di ne di sebediswa ke dithena.
Tweba e ile ya re pote ka lebota!
O ile a re phamo mokotlana wa mme a ba a potela ka lebota.
Ditho tsohle tsa lelapa, ntle le mohwehadi ha di thabiswe ke dikamano tsa Makgokolotso le aubuti Seporo..
Bahlankana le barwetsana ban e ba dula ba hlwekile ka matsatsi ohle a beke.
Ka mehla phutheho yohle e ne e fihla kerekeng ka nako.
Ho tsebisa bareki ka sehlahiswa seo.
Bonolo v le boheha kapa le rateha.
Le bolela hore motho a ke a leke ho itlotsa kapa ho sebedisa sehlahiswa seo.
<fn>Sesotho FAL P1 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 12.
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
O hlola o utlwa dinthontho ka kgatello ya metswalle hara batjha. Ka mehla batswadi le matitjhere ba o kgalemella ho tlwaelana le 'metswalle' e itseng. Kgatello ya metswalle, ke seo ba bangata ba atisang ho itshireletsa ka sona ha ba le mathateng, ba tsielehile sa tweba e pitlilwe ke sefi. O tla utlwa motho a re: 'Ke bona ba nthutileng'. Ka tsela e jwalo motjha wa mofuta ona o leka ho iketsa majaaitlhakola. Bonneteng sepheo boholo e le ho neta batswadi kapa ona matitjhere ka seretse mahlong.
Kaofela ha lona le dithaka, metswalle ebile hape le sehlopheng se le seng sekolong. Boholo ba nako le itshekile thajana, le bapala mmoho, le kumelana makunutu le masawana a botjha. E fela ruri le tsona nonyana tsa siba le le leng tse fofang mmoho. Ka dinako tsohle o batla ho amoheleha ho bona, mme ke hona mona moo kgatello e hlahang teng. Kgatello ena e ka dikelellong tsa rona. Re nahana hore ha re etsa dintho tse kgelohileng, re sebedisa dithethefatsi, re enwa, re tsuba kapa re apara diaparo tsa mefuta e itseng, re tla phuthullelwa diatla tse mofuthu. Ka hoo re ikgethela ho ikela ka tselana ya rona le ho se ikamahanye le dikeletso tsa baholo mmoho le tsa bohle ba re ratang.
Ha se hangata ho hatellwang ba bang ho etsa dintho, empa re etsa dintho tseo re sa di rateng hobane re batla ho kgahlisa ba bang molemong wa setswalle. Le ka mohla, ha ho ya emellwang ka sepolo ho etswa lekgoba la dintho tseo a sa di rateng. Ebile re ye re utlwe ho thwe makgoba a jwalo, a ne a felle Ekgepeta mehleng ya morena Faro.
Ke ka hona re sa tshwanelang ho lla ka ba bang ha re iphumana re le ka hara qhafutso, re sesa ka hara maswabi, tlhomoho le ditlokotsi. Batswadi ba rona ba be ba hloye ba bang hobane ba re bao ba ikentse baromuwa ba ramautla ba re etsisang dintho tse tswileng tseleng. Jara boikarabelo bowatleng ba diketso tsa hao! O se ikenye mathateng, o ithute bophelo le meeka ya bona!
Ke sa tswa kopana le Sparks, eo ke neng ke kena sekolo le yena. Re ne re tlwaelane empa hakaalo re se metswalle hobane o ne a nkehile mathakeng ao ke neng ke sa tsamaisane le ona. Ra otla tse mmalwa le Sparks, ra ikgopotsa tse monate tsa matsatsi a fetileng.
O a tseba ke eng'' Ho realo yena Sparks. ''Ke utlwa bohloko ha ke hopola nako eo ke e sentseng, ke nyolosa ke theosa le mathaka ane. Mathaka ao, e ne e ba metswalle ya ka ha feela ke na le tjhelete. Ntle ho moo, a ne a sa ntlhoke. Ke ile ka dieha ho lemoha hore a ne a sebetsa jwang. Feela ha ho nang, a nthutile thuto e ntle ya ho re: 'Ha o se e mong wa bona, ha o yena, ebile ha o sa tla ba yena le kgale'?
Hoba Sparks a kgutse, ke ile ka lemoha hore mehopolo ena ya maoba e mo ama maikutlo ha bohloko. Le ha ho le jwalo ka ikutlwa ke kgothaditswe ke ha a itse ho na le seo a ithutileng sona ketsahalong eo. Taba tsena tsa hae tsa ntemosa hore ho ikenya ka kgang bathong ba se nang nako ya hao, ha ho thuse ka letho. Ba tla o sebedisa mme ba ke ke ba o hlompha le kgale! Se bohloko feela e be e le hore o sentse nako eo ka yona o ka beng o iphumanetse metswalle ya sebele, e o hlomphang mme e bile e o amohela le seo o leng sona, e seng seo o nang le sona.
Ho ya ka tema ee, ke ka makgetlo a makae moo motho a hatellwang ke ba bang ho etsa seo a sa se rateng?
Temeng ena, qolla lentswe le bolelang motho ya etsang dintho, ere ha a qeta a di latole.
Ho thwe ke eng e bakelang batjha kgatello?
Bolela ntho e le NNGWE eo mongodi a reng ke bobe ba ho iketsa motswalle wa batho ba sa o tsotelleng.
Hlalosa se bolelwang ke polelo ena: 'Boholo ba nako le itshekile thajana'.
Seratswaneng sa pele, hobaneng mongodi a kentse lentswe lena: metswalle, ka hara matshwao a ditsejana?
Polelong e latelang, mantswe a ngotsweng ka mongolo o motenya o ntshofaditsweng, a na le moelelo ofe o patehileng kapa o sa totobalang?
Ba tla o sebedisa mme ba ke ke ba o hlompha le ka mohla.
Ha batjha ba itshireletsa ka ba bang, ho senya dikamano tsa phedisano jwang bathong?
Ho ya ka tema ena, o ka re dikeletso tse pedi tse ka sehloohong temeng ena ke dife?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Botho ba hao bo lokela ho kganya, sefahleho sa hao sona se benye.
Sehlahiswa sena se kgabile ka motswako wa lero la morara le monyang mafura a sa batleheng ka ho panya ha leihlo letlalong la hao. Fomula ena e ikgethileng e laola le ho thusa ho boloka letlalo la hao le le boreledi e bile le le borethe letsheare lohle.
Bahlahisi ba sehlahiswa see ke bomang?
Papatso ena e reretswe batho bafe?
Ho ya ka papatso ena sehlahiswa sena se ka lokela batho ba matlalo a mofuta ofe Hobaneng o realo?
Ha motho a kare sehlahiswa sena ke setlolo sa mmele, na o tla be a nepa Hobaneng o realo?
Ebe polelo e ngotsweng ka botsho ke ntlha kapa mohopolo feela Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao?
Ke polelo efe temeng ena, e sebediseditsweng ho susumetsa babadi ka matla ho reka sehlahiswa sena Hobaneng o realo?
Bala ditaba tsa tema e latelang e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 ho isa ho a 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Dintlha tsa hao di be ka sebopeho sa dipolelo, e seng ka lentswe le le leng feela. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Basebetsi ba feme eo lebitso la bona le tsejwang ke lesedinyana le leng la ditaba tsa lehae, ba iphumana ba le tsietsing ya ho qobellwa ke ramosebetsi ho etsa diteko tsa madi. Ba bolela ha sena se ba makaditse haholo hobane ke dilemo ba bang ba bona ba sebetsa femeng eo ntle le mathata a letho. Ba bolela ha ramosebetsi a tsoha a ba fa diforomo tseo ba lokelang ho ya etsa diteko tsa HIV ntle le ho rerisana le bona. O bile o ba tshosa ka hore ya sa etseng jwalo o tla iphumana a lahlehetswe ke mosebetsi.
Mokgatlo wa kopano ya basebetsi o kgahlanong le seo ramosebetsi a se etsang. O bile o tshepisa ho mo isa lekgotleng la dinyewe tsa basebetsi haeba a tswella ho qobella basebetsi ho ya etsa diteko tsa madi. O re ha ho molao o ngotsweng o reng basebetsi ba lokela ho etsa diteko tsa HIV.
Monghadi Kobi ya emetseng mokgatlo wa basebetsi o re sena se tla baka kgethollo mme se kgahlanong le molao wa motheo wa naha. Ramosebetsi ha a botswa ka taba ena o boletse ha a sa buisane le baqolotsi ba masedinyana ka taba tsa tsamaiso ya mosebetsi femeng ya hae. A ba tshosa ka ho re o tla bitsa sepolesa haeba ba sa tswe femeng ya hae. Jwale potso ke ho re ho tla etsahala eng ka basebesti ba sa etseng diteko tsa madi.
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Motseng o mong Foreisetata e Borwa Botjhabela kwana, batjha ba ne ba ikgantsha ka botjha ba bona. Ha e ne e le Disontaha kapa Meqebelo ya manyalo, ditimiti le dikonsarete ho ne ho se ya ithekang morwalo. Le hona e ne e se hangata o ka utlwang ho thwe motjha ya itseng o kula hoo a isitsweng ngakeng kapa hona ho robatswa sepetlele. Bophelo mmeleng bo ne bo ba dumela. Ba tjhaka ba eya meketeng ya boithabiso e ba tshwanelang.
Motseng ona he, ha e ne e le Sontaha ho ne ho tla phethesela hoba ho ne ho tla be ho tlile le ba metse e ka mathoko, ho tlilwe kerekeng. Kereke ba ne ba e rata ka pelo yohle, ba sa iketsise. Ke realo hobane bohle ba ne ba fihla ka nako, le hoja ba bang ba ne ba etswa hole. Malapeng a bo bona ba ne ba ke ke ba susumeletswa ho ya kerekeng. Ba ne ba tla dula malapeng a bo bona ba etsang ka nnete ka Disontaha, hoba dikonsarete, masara le ditimiti di ne di eba ngope ya setshoha?
Ke hona moo mohlankana a neng a itshupa esitana le yena morwetsana. E ne e ye e re ha kereke e etswa ba saballe le thota, motho a fumane eka e se e le dithungthung tsa naha. Hoba ba ne ba hlwekile hle, ba apara hantle, motho a ke ke a re ke ba mapolasing jwalo ka ha batho ba metse ya ditoropong ba bolela. Tsela e lebisang lenyalong e ne e qala tjena, mme o fumane hosasa kgarebe e se e bitswa ngwetsi. Mmathwetsana, mohwehadi o fumane a bobotheha ke nyakallo.
Ba neng ba tlile ka dibaesekele, hoba dithena di ne di sebedisa tsona haholo, o ne o ka fumana di qhojwa. Monga yona a e hlahile lehlakoreng mona. Haeba a e na le kgarebe, e tla fuwa moshanyana kapa ngwananyana wabo kgarebe ho e qhoba. Ho honyane o fumane ho kapea ka baesekele, ho imelwa le ho imelwa. Empa motho wa teng yena, pelo e ne e eba tshweu bja ha a qhoba baesekele ya aubuti Seporo, motho wa ausi Makgokolotso!
Ho ne ho tla tsamauwa jwalo, ho be ho yo thwe tlole ka thota! Ha ba tlolela jwalo moo, e ne e le moo tangtang e kgangwang ke lerole. E ne e le hona moo ho tlang ho kgaoha moo ho kgwehlang. E ne e le moo disefe di tlang ho tloha boroko. Ngwanana ya neng a tshwanela ho pheta ena ntho, o ne o tla fumana eka o kenwe ke serame, a thothomela ke ho tshoha.
Lentswe 'motjha' le supa bonngwe ba lebitso lena, 'batjha'. Fetolela mantswe a latelang bonngweng, o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Lentswe 'ngwananyana' le supa nyenyefatso ya lebitso 'ngwanana'. Ipopele nyenyefatso ya mabitso a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Polelo ena, 'Bophelo mmeleng bo ne bo dumela', e temekisong ya tumelo. Fetolela polelo e latelang temekisong ya tumelo.
Malapeng a bobona ba ne ba ke ke ba susumetswa ho ya kerekeng.
Botona ba lebitso lena, 'morwetsana' ke 'mohlankana'. Nehelana ka botona ba mabitso ana a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
Leetsi polelong ena, 'O ne o fumana dibaesekele di qhojwa', le sebopehong sa boetsuwa (leetswa). Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo ka nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Batjha ba ne ba ka rata kereke haholo.
Dithena di ne di sebedisa baesekele haholo.
Leetsisamodumo le hlahelang polelong ena, 'Ho be ho thwe tlole! ka thaba', le bopilwe ka leetsi 'tlola'.. Ipopele maetsisamodumo ka maetsi a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Ngwanana ha a se a le moholo mme a le dilemong tsa ho nyalwa, o bitswa kgarebe. Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa tlhaloso e nngwe le e nngwe ya tse latelang.
Ngwanana ya seng a hodile haholo, mme a fetilwe ke dilemo tsa ho nyalwa.
Sehlotshwana sa batho ba kenang kereke e le nngwe ka mehla.
O ne o tla fumana ngwanana wa batho a thothomela ke ho tshoha, eka o kenwe ke serame.
O ne o tla fumana mohwehadi a bobotheha ke ho nyakalla.
Bala dipolelo tsena tse latelang, e be o kenya lehokedi le hlokehang sekgeong se siilweng polelong ka nngwe.
Ditho tsohle tsa lelapa, ntle le mohwehadi ha thabiswe ke dikamano tsa Makgokolotso le aubuti Seporo.
Mohlankana ya neng a tlile ka baesekele, hoba baeka ba ne ba hlile ba rata ho kgahlisa banana le bohle ba tlileng kerekeng, ne a tla e akgella moshanyana kapa ngwananyana wabo kgarebe.
Polelong ena, lentswe lena 'bohle' ke leakaretsi. Tadima dipolelo tsena tse latelang, e be o kenya leakaretsi le lokelang polelong e nngwe le e nngwe.
Bahlankana le barwetsana ba ne ba dula ba hlwekile ka matsatsi a beke.
Ka mehla phutheho e ne e fihla kerekeng ka nako.
Bala tema ena e latelang o ntano araba dipotso tse e latelang.
Basadi bohle ba na le takatso e kgolo ya ho ba le letlalo le bonolo, le bohehang, le ratehang! Sebedisa LUX NTATSWE ho fepa letlalo la hao ka tse monate ka ho fetisisa tse le lokelang.
Lehwatata la hao le ka fetoha mabothobotho a bonojana bo tsotwang!
Phuthela letlalo la hao ka LUX NTATSWE mme o ikutlwe o le bonolo ho tloha hloohong ho ya tswa maotong letsatsi lohle.
Papatso ena e na le leeme ka hare. Qolla lentswe le supang seo.
Hobaneng ha lentswe NTATSWE le ngotswe ka tlhaku tse kgolo, le ka mongolo o motenya o ntshofaditsweng?
Lehwatata la hao le ka fetoha mabothobotho', ho sebedisitswe sekapuo sefe polelong ee?
Qolla mantswe a MABEDI feela a supang hore basadi bohle ba na le takatso e kgolo ya ho sebedisa setlolo seo.
Polelong ena: 'Sellwane o ile a kgalla puting e entsweng ke mmae, mme ha a qeta ho e latswa, ya nna ya re ntatswe hape', lentswe 'ntatswe', le sebedisitswe ka moelelo wa lona o tlwaelehileng.
<fn>Sesotho FAL P1 Nov 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 12.
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ke motsheare wa lengeta ka Mantaha, mme mmila wa Baragwanath o a hlanasela ke sephethephethe. Ho makoloi, ditekesi, dilori le dibese. Ka pejana ho kholetjhe ya mesuwe ya Soweto, tekesi e nngwe e kgubedu ke eo e kgeloha e kena mmileng o yang Kliptown, o fetang ka hara motse wa Klipsruit. E ile jwalo mme ya ba ya fihla ya emisa pela tliliniki ya Klipspruit e Zone 3. Teng ha theoha mafasathae a mabedi a makejakejane, mong a tshwere mokotlana wa mangolo ka letsohong. Ba ne ba bonahala jwalo ka basebeletsi ba dikgwebo tse kang tsa diinshorense kapa mabenkele a thepa ya ntlo. Hoba tekesi e ba theole jwalo, ya ikela mme ba sala ba eme moo motsotswana, ba ntse ba qamaka kwana le kwana.
Motsotswana ba eme moo, e mong a ntsha pampitshana ka hara mokotlana, ba e nyakorela ka bobedi. Ha ba phahamisa dihlooho, ba supa mona le mane ka menwana. Ka utlwa e mong ya lebala le hlakileng a re ho enwa e mosootho: 'Khom, nna ke tla leka ho sheba borakana bane boo e sa leng bo re lomisa ka dintja. Wena o tla batla mpimpi yane ya ho re rekisa. Ke a kgolwa hore diapole tsa hao le sephadi di lokile. Empa hopola: Apole pele. O tla phoka dintsintsi ka apole mme o fafielle ka sephadi ho qhalanya dinotshi ha di batla ho o homela. Boloka ditaelo hobane mosebetsi o sa le moholo. Ha re ka fanya kgato ya pele, re tla be re sentse dintho tsohle. Empa hopola ho se etse letho pele re kopana hape No. 4 mantsiboya, ntle le ha ho ka hlokeha. Ha re a lokela ho fanya Khom. Ha re lokisitse dintho tsohle re tla bona hore re jala mahapu hokae le hona neng.' Eo e mosoothwana a ka a ema motsotswana, a itshwere thekeng pele a araba. Ka mora motsotswana a re: 'Khom, ho monate ho kgutlela hae empa ka hlakoreng le leng ho bohloko.' Ba arohana ka ona mantswe ao mme lekeishene la ba kwenya.
Hoseng ha le hlahlamang la tsoha le sele, le sele le bohweng ba ntja. Le ha e ne e sa le hoseng hakaalo, e ne e le le ntshang kwena bodibeng. Ntho e batlileng e makatsa ke ho re le ha e ne e le hoseng jwalo, batho ba ne ba potlaketse mesebetsing, phallo ya sephethephethe e ne e le monyebe haholo mmileng ona wa Baragwanath. Lebaka Ho ile ha fumaneha hore tlasenyana mane mmileng, mabapa le moo ho fehlwang motlakase teng, ka bophirimela ho Orlando, ho entswe thibelo ya popota ya mmileng. E ne e se lepolesa, e le tlaka-le-a-raha. Dintja tsa sepolesa le tsona di le ngata. Batho ba ntshwa makoloing, a phenyokollwa?
Ha morao ho ile ha utlwahala hore thibelo ena e ne e entswe mebileng yohle e kenang le e tswang Soweto. Mane renkeng ya Baragwanath barekisi ba dikoranta ke ha ba eya hodimo le tlase ba hometswe ke bareki.
Koranteng ya The world, leqepheng la ka ntle, ho ne ho ngotswe: Two police houses rocked by bombs. (Matlo a mabedi a mapolesa a hlasetswe ka diboomo.) Jwale lebaka la thibelo eo ya popota mmileng hoseng jwalo ya qaqa. Ba nang le diyalemoya makoloing le bona ka bohora ya borobedi ke ha ba utlwa hore ho hlasetswe matlo a mabedi a mapolesa ka diboomo. Le ha ho ne ho e so qaqe mothating oo hore na hona ke mosebetsi wa motho a le mong kapa ho feta. Ho feta mona ha utlwahala le hore ho fumanwe koloi eo ho belaelwang e ne e utswitswe haufi le tjhankana ya No. 4, e Hillbrow, hona moo Gauteng.
Makejakejane ao ho buuwang ka ona a ne a sebetsang?
Ke ka lebaka la eng ha ho thwe ba ne ba bonahala jwalo ka basebeletsi ba diinshorense kapa mabenkele a thepa ya ntlo?
Sepheopheo sa banna bana sa ho Hobaneng o realo kgutlela hae ke sefe?
Ke motsheare wa lengeta.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao thibelo e neng e entswe mmileng e ne e etseditswe eng?
Bolela dintlha TSE PEDI tse hlalosang maemo a ditaba thibelong eo ya mmileng.
Qolla mantswe ho tswa temeng a supang hore ho ne ho tjhesa haholo mohlang oo.
A B C D Mohwanto wa bakganni ba ditekesi. Thibelo ya mmileng. Ho se kgotsofalle ditshebeletso tsa sepolesa ke baahi. Mapolesa a kgahlanong le ho hlaselwa.
Ditaba tsee di etsahalla motseng ofe?
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso.
Matsatsing ana re rata ho nkgisa lehano ha monate ka tjhepisi ya Stimorol, e fumanehang ka mefuta e fapaneng ya tatso e kenyeletsang mofuta o motjha wa apole le monokotshwai.
Ha o sithabetse maikutlo, iphumanele Stimorol mme o natefelwe ke tatso ya ditholwana o theole kgatello. Ebang o eso e leke, tseba hore e a fumaneha lebenkeleng le haufi le sebaka sa heno.
BONA e na le diphuthelwana tse 15 tse bitsang R250 sephuthelwana ka seng se nang le mokotla o jarwang, thaole e kgolo le mabokose a mabedi a Stimorol sa tatso e ntjha, tseo e fanang ka tsona.
Bolela mefuta e MMEDI ya ditholwana tseo Stimorol se fumanehang ka yona.
Sehlahiswa sena se thusa jwang batho ba sithabetseng maikutlo?
Ke eng seo o lokelang ho se etsa hore o hape e meng ya meputso e boletsweng?
Ke ka lebaka la eng ha mantswe ana '15 Diphuthelwana' a ngotswe ka mongolo o motsho o motenya?
Diphuthelwana tsa dimpho di ja beng ba tlhodisano ee bokae?
Tlhodisano ee e tsamaiswa ke bomang?
Bala ditaba tsa temana e latelang, e be o di kgutsufatse ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Motho bophelong ba hae o thulana le meleko ya mefutafuta letsatsi le leng le le leng. Ka sekolong teng ke diteko tsa methalethale thutong. Baithuti ba hlahlojwa kgafetsa ho lekola tswelopele ya bona. Ka ntle ho tlhahlobo kapa teko ha ho na ka moo mosuwe le mosuwetsana ba ka lekanyang hore na baithuti ba bona ba utlwisisa dithuto, kapa tjhe.
Mathata a mangata a tobaneng le ditlhahlobo tsena tse phethwang dikolong. Bang ba re ha di hlokahale, hobane ha ho ka moo moithuti ya keneng sekolo selemo sohle a sa lofe, a ka hlolehang ho fetela kereiting e ka pele. Potso ke ho re na baithuti ba phuthetse hakae ka bokong mafelong a selemo. Ke tlhahlobo feela e senolang hore na moithuti ka mong o kgwaetse ho le hokae ka kotleng ya hae, etswe baithuti ha ba lekane ka dikelello. Le ha e le mafahla kapa mawelana ho hang a fapana ka bokgoni le bohlale. Hape ha moithuti a tsamaya sekolo a sa be siyo le ka mohla o le mong selemo sohle feela e le sengangele se hlooho e thata, a fetisetswa pele, e tla ba lathalatha e hlotseng.
Ditlhahlobo tsa hara selemo, esita le diteko tsa mafelo a beke, a kgwedi kapa a kgweditharo, ha di tshwenye hakaalo. Tsa mafelo a selemo ke tsona tse tlang le mathata a thibang letsatsi ka bongata! Di tsetolla tholwana yane e babang: baithuti ba apereng diyunifomo tsa sekolo ba lelera hara diterata tsa metse ka nako ya sekolo, kantle ho tumello ya mesuwe ya bona.
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
E eme ntlo ya morena e moholo mmoho le matlo a marenana. A tsepame matlo a batsamaisi. Se tsitsitse sekolo hodima motheo. Tsohle di fedile mme di batla basebedisi. Jwale ho sa setse eng Morena e moholo a epa pitso ya kgorulakoqo. A mema marenana ohle, tonakgolo ya provense ya bona e neng e reketse morena makoloi a mabedi mmoho le setjhaba sa hae ho phutheleha lepatlelong?
Ho ne ho le mahleke ka hohlehohle. Dijo ho phehilwe tsa setso. Morena e moholo o ne a hlabile dioka e seng dipholwana, basadi ba tlhotlile jwala ba Sesotho bo monate. Bohle ba opa diatla ha morena a ema. Mohlabani e mong a phahamisa lerumo la hae mme bohle ba kgutsa tu! A ithoka ho etella puo ya morena pele. O ne a roka morena le setjhaba sa hae.
Puong ya hae a re o batlile a fosetsa badimo ka ho dieha ho etsa mokete wa teboho. A re naha ya hae e ntlafetse ka mokgwa o tsotehang ruri. Setjhaba se lokolotswe ka hohlehohle ho ntlafatsa naha ekasita le ho e baballa. Kgotso e nne e rene, kgora e nne e ate mme tlhompho e iswe ho ba baholo le bana. Bonokwane bo jele setsi naheng ya hae. Batho ba hopole moo ba tswang teng mme ba boloke setso sa bona. Morena ha a a bua lolololo mme ha a se a qetile yaba o dula fatshe mme setjhaba sa mo tshela ka ditlatse.
Polelong ena: 'Tsohle di fedile mme di batla basebedisi,' lentswe lena TSOHLE ke leakaretsi. Ipopele leakaretsi le tsamaelanang le lebitso lena BASEBEDISI, mme e be o sebedisa leakaretsi leo polelong ya hao.
Lentswe 'sekolong' le sebedisitswe e le lehlalosi la sebaka. Ngola lentswe le ka masakaneng sebopehong sa LEHLALOSI LA SEBAKA ho phethahatsa moelelo wa polelo ka nngwe ho tsena tse latelang. Ngola karabo feela.
Bohle ba ne ba dutse (lepatlelo).
Taba ena ya ho bulwa ha meaho ya sekolo, ha e fihla (morena) e ile ya ananelwa.
Puong ya morena, ho sebedisitswe mantswe a jwalo ka, 'KGOTSO e nne e rene'. Lelatodi la kgotso e tla ba 'NTWA e nne e rene'. Ngola malatodi a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Kgora e nne e ate.
Morena e moholo ya eba yena ya bulang mosebetsi ka puo.
Ipopele dipolelokopane ka ho sebedisa makopanyi ao o a filweng potsong ka nngwe.
Mohlabani e mong a phahamisa lerumo la hae. Bohle ba kgutsa tu!
Ha a se a qetile. O dula fatshe.
Lentswe 'motsana' ke nyenyefatso ya lentswe 'motse'. Nehelana ka nyenyefatso ya mantswe ana a ngotsweng ka botsho dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Setjhaba e be modisa wa naha ya sona.
Matlo a morena e moholo le a marenana a eme.
Polelo ke ena: 'A mema marenana ohle le setjhaba sa hae'. Mantswe a ntshofaditsweng a bolela hore setjhaba ke sa morena.
Polelo ena 'Bonokwane bo jele setsi' e sebedisetswe e le sekapolelo. Iketsetse polelo ho totobatsa moelelo wa sekapolelo/maelana ana.
Ho le mahleke.
Ho mo tshela ka ditlatse.
Polelong ena 'Tonakgolo o rekile makoloi a mabedi' lentswe 'a mabedi' ke lekgethi le bopilweng ka motso wa lekgethi '-bedi'.
Ngola polelo e latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa yona.
Morena (-holo) o ne a hlabile dioka e seng dipholwana.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Mohlabani e mong a roka morena e moholo pele a bua.
Polelo ena, 'Kgotso e nne e rene' e supa tshebediso ya lethusi NNE.
Tlhompho e iswe ho ba baholo le bana.
Lentswe 'basebedisi' le sebedisitswe ho supa bongata. lena 'setjhaba' polelong ya hao mme le bontshe bongata.
Boha tema e latelang o nto araba dipotso tse theilweng hodima yona.
Hobaneng ha baphatlalatsi ba makasine oo ba ngotse lentswe Bona ka mongolo o moholo o bileng o leng motenya ho mongolo o mong o hlahellang leqepheng le ka ntle la makasine oo?
Tse ding tsa ditaba tse hlahiswang ka hara makasine ona di ngotswe tjena: 'Mehlolo! O tsohile bafung.' Hlalosa bohlokwa ba tshebediso ya puo ka mokgwa ona.
Ke lentswe lefe le hlahisitsweng leqepheng lee le ka ntle la makasine le supang hore ho na le ditlhodisano tse hlahellang ka hara makasine ee?
Makasine e hlahisitsweng papatsong e ka hodimo e fumaneha ka puo efe hona ke ya neng?
<fn>Sesotho FAL P1 Nov 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 7.
Ka mora matsatsi a supileng/ka mora beke.
Mafosiv Sello o ne a sa utswa diphlahlo lebenkeleng empa o ne a hloleha ho lefa mokitlane ka ha a ne a sa sebetse./ O ne a hloleha ho lefa/patala sekoloto sa hae/ Sello o ne a batlelwa molato wa diaparo tseo a neng a di nke ka mokitlane moo a neng a sebedisa karete ya ho kolotisa.
Wa ho hlatswetsa batho makoloi.
O ne a tshaba hore mapolesa a tla mo tshwara./O ne a ikgakanya./O ne a pata mohlala.
Ha ho tjhesa mohlongwafatshe o tjhesa haholo; ha ho bata o bata ho feta tekanovv/ Lehlabula ho tjhesa haholo, mariha teng ho bata haholo/ Ha ho tjhesa o a tjhesa, ha ho bata o a bata/ ba a hatsela.
Motshwayi a hlokomele hore mohlahlobuwa ha a arabile karolo e le nngwe ya karabo a fuwe letshwao le le leng.
Ho se letho le etsahalang. /Ha ho etsahale letho/Ha se letho le etswang./Ha ho tswelopele.
Ho ja (dijo)/ Ho aletsa/ Ho ja le ha e le hanyane.
Ke koloi ya mapolesa. /Vene ya mapolesa.
Ditaba di senyehile/Ho hobe/ho boima/ ho se ngwane motle/ho dubehile/. Mathata a hlolwe manolo hodimo./Ntja e ja ntjanyana/Kgoho e matha ka lerapo thabengvv (Ho ananelwe maikutlo a mohlahlubuwa ha feela a araba potso).
E, se bohlokwa hobane o ne a sa sheba tjhelete ho feta bophelo ba motho kapa o ne a bontsha botho/qenehelo/phedisano/kutlwelobohloko.
Iphumanele dihlahiswa tsa Loreal mme mathata a hao a letlalo e tla ba toro ya maobane. /Ke ditlolo tse loketseng motho e mong le e mong mme di siya letlalo le kganya le bile le le bonojana.
Bomme le barwetsana/basadi/banana/bomme/barwetsana.
Ho kgantsha letlalo; ho tlosa dihloba; ho etsa letlalo le bohehe le le letjha; ho fedisa matheba v /di tlosa mafura sefahlehong /ba tla iphumana ba le boreletsana /ho etsa bomme ba be boreletsana sefahlehong (kgetha e le nngwe feela).
Ho matlafatsa/toboketsa/tiisa/hatella seo o se buang/Ho hohela basebedisi/bomme/barwetsana hore ba reke setlolo sena le ho se sebedisa.
Ke mohopolo feela. v Ha ho bonnete ba hore ditlolo tseo di tla tlosa mathata a motho a letlalo a tla tloha kapa e tla ba toro ya maobane.
Ke ho hohela/ngoka/susumetsa bomme le barwetsana hore ba tle ba reke sehlahiswa sena./Ho etsa hore bomme ba reke setlolo sena.
Ho ne ho na le basadi ba sethepu.
E mong o ile a beleha ngwana.
Mohaditsong a kgobohelwa mme a rera ho mmolaya.
A mo phehela motoho wa mabele a nahana hore o tla mmolaya.
Mohaditsong a nahana hore ha motswetse a ruruha o a shwa.
Ka mora nako mohaditsong a elellwa hore o ntse a itshenyetsa nako a qetella a se a itjella motoho ona le yena.
Ela hloko: Motshwayi a hlokomele hore hona ke tataiso feela, mme dintlha tsa mohlahlobuwa di lekolwe ka hloko.
Ho ne ho na le basadi ba sethepu, e mong a ba le ngwana.
E mong a ba le ngwana, mme e mong a ba mohono/mona.
Kabo ya matshwao: 1.
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
ho fokotswe letshwao le 1.
ho fokotswe matshwao a 2.
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3.
ho se nkuwe matshwao.
ho fokotswe letshwao le 1.
ho fokotswe matshwao a 2.
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo, mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Bophelo bo ntse bo ya jwang (ka) polasing/mapolasing moo.
Namodi ke moholo wa kereke ya utlwisiswang.
O mpa a ithatela dijo.
O ruruhile mpa.
Ke ipatlela dijo feela telele vDemokrasi e fihlelletswe ka mora nako e telele.
Hohle ho etsahala dintho tse tjena. kapa Hohle dintho tse tjena di a etsahala.
Ke taba efe e nngwe e tshwenyang/Taba e nngwe e tshwenyang ke efe /Ke efe e nngwe taba e tshwenyang /E nngwe e tshwenyang taba ke efe?
Ngwana o rutwa mekgwa le bophelo a sa le monyane.
Namodi o/a botsa Mohau hore (na) e be botlokotsebe bo ntse bo ya jwang.
Le nne le fapohele le kwano vv (Dipolelo tsa bahlahlubuwa di ananelwe ha feela ba sebedisitse 'nne' ka nepo).
Mohatsa Nnyeo o ile a kgephola basadi ka baka la bobare.
Polelwanakgethi ba neng ba ile patsing.
Basatsana/Basadinyanav Basatsana/Basadinyana bana ba kajeno ba rutehile /Basadinyana bana ba kajeno, ba batle. v(Dipolelo tsa bahlahlubuwa di ananelwe ha feela ba sebedisitse 'basatsana/basadinyana' ka nepo).
Re ne re hlaselwa ke dinokwane empa ka ho panya ha leihlo mapolesa a be a se a fihlile hoba re ba letsetse.
Ho ile ha re fi! Ha motlakase o kgaoha/tima.
<fn>Sesotho FAL P1 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 11.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Matsatsi a supileng a fela ho se nko ho tswa lemina. Sello le lelapa la hae ba ne ba ntse ba dula ka tlong. Pula le yona ho na ya ditlwebelele. Ka mora matsatsi a supileng mapolesa a nka thoto yohle ya bona a e betsetsa ka ntle. Ba hlola ka ntle bosiu le motsheare. Ka lehlohonolo la moteaphala, moahisane e mong a ba utlwela bohloko mme a ba kadima masenke le seratswana ka jareteng ya hae hore ba mpe ba iketsetse mohlongwafatshe wa nakwana.
Sello o ile a aha mohlongwafatshe hantle. A dula le lelapa la hae ka moo. Bophelo ba bona bo ne bo hlomola. Ho le boima ho tlwaela ntlo ena e ntjha. Ha ho tjhesa e ne e tjhesa haholo mme ha ho bata le teng e ne e bata ho feta tekano. Le ha ho le jwalo, ba ile ba tiisetsa. Ba ne ba elellwa hore kajeno madiba ho pshele a matala mme kwena e ne e ipoqa seretseng. Sello o ne a hlile a wele ka mpa fatshe. A leboha feela ha a patile hlooho.
Bana ba lapeng lena ba iphumana ba tlohetse sekolo. Motsheare ba hlatswetsa batho makoloi ha ntatabona yena a phumulela batho dieta toropong ha a sa batlane le mosebetsi. Boitekong bona ba bona ba ne ba iphumana ba se ba tsheheditse lephako. Ntsi ba se ba e kolla hanong. Matsatsing ona ano ha be ho se ho ema pikapo haufi le mohlongwafatshe wa Sello. Mapolesa a mmatla. Ka ha a se a tseba seo ba mmatlelang sona, a ikgakanya mme a fetola lebitso la hae. A ipitsa Molahluwa. Mapolesa a mo kgolwa mme a tsamaya.
Sello enwa o ne a batlelwa molato wa diaparo tseo a neng a di nke ka mokitlane moo a neng a sebedisa karete ya ho kolotisa. Kajeno mapolesa a ne a tsebisitswe hore a mo ise ntlwanatshwana. Sello o ile a kgodisa mapolesa hore Sello ya batlwang o ne a ye habo Lesotho. E! Molahluwa enwa wa leshano o ne a tseba hore Sello enwa a ka fumanwa kae. Hoba a ikgakanye, a balehela ka ntle ho motse moo a ileng a ipata ho fihlela motsheare wa mantsiboya.
Ha nako e fihla a kgutlela lapeng. Mona teng a fumana mosadi a boetse a kula hape. Sello o ile a sulafallwa ke tsohle ka mona ka tlong ha a elellwa hore Ntswaki o a kula. A sheba Ntswaki nakwana mme ha a qeta a nka lebanta le lelelele a tswela ka ntle ka lona. A tswela ka ntle a se a bina sefela se reng 'Haufi le Morena'. A potela ka mora ntlo ka lona.
Sello o ne a se a eme ka tlasa sefate sa diperekisi. Mahlo a a tonetse lekaleng le hodimodimo. Matsoho a ntse a tlama sekgeqetsane. Yaba o kgumama ka mangole fatshe. Thapelo a rapela e telele. Meokgo ya tsholoha mahlong a hae. A qeta a ema a sheba mane lekaleng la sefate. Ka nako eo moahisane yane ya ileng a mo jakisa jareteng ya hae a hlaha. Sello a leka ho pata lebanta leo a neng a le tshwere empa la wela fatshe. Dikeledi le tsona di ntse di keleketla marameng a hae. Moahisane enwa a elellwa hore Sello o batla ho fedisa bophelo ba hae. A phamola lebanta matsohong a Sello. Molato keng Sello O etsang?
Mapolesa a ile a ntsha Sello le lelapa la hae ka tlong ka mora nako e kae?
Ke mang ya ileng a utlwela Sello le lelapa la hae bohloko?
Bolela hore ke nnete kapa mafosi. Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Mapolesa a ne a batla Sello hobane a ne a utswitse diphahlo lebenkeleng.
Fana ka lebitso la mofumahadi wa Sello.
Bana ba Sello ba ile ba a sebetsa mosebetsi ofe ha ba qeta ho tlohella sekolo?
Ke ka baka lang ha Sello a ile a iphetola lebitso?
Hlalosa hore maemo a lehodimo a ne a tshwenya Sello le lelapa jwang ha ba se ba dula ka ntlong ena ya mohlongwafatshe.
Ho se nko ho tswa lemina.
Ho tshehetsa lephako.
Ho ya ka moelelo wa tema, pikapo ke eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema ha ho thwe: 'kwena e ipoqa seretseng' ho bolelwang?
Ho ya ka tjhadimo ya hao ya bophelo, seo moahisane wa Sello a se entseng ka hore a ahe mohlongwafatshe ka jareteng ya hae na se bohlokwa bophelong ba motho Hobaneng ha o realo?
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso tse theilweng hodima yona.
Ho ya ka boramahlale, matsatsing a kajeno ho sosobana sefahleho e se e le taba ya maobane. Bomme le barwetsana ba tla iphumana ba le boreletsana ha ba sebedisa dihlahiswa tsa Loreal Age Perfect. Ke ditlolo tse loketseng motho e mong le e mong mme di siya letlalo le kganya le bile le le bonojana. Ditlolo tsena di fumaneha ka mefuta e mengata. Ho na le ditlolo tse tlosang mafura sefahlehong, tse etsang sefahleho se kganye, tse tlosang dihloba, tse etsang letlalo le bohehe le le letjha le tse fedisang matheba sefahlehong. Iphumanele dihlahiswa tsa Loreal mme mathata a hao a letlalo e tla ba toro ya maobane.
Qolla polelo ho tswa temeng ena e susumetsang mmadi ho reka dihlahiswa tsena.
Bolela molemo o le mong feela oo sehlahiswa sena se nang le wona letlalong la motho.
Papatsong e ka hodimo ho na le polelo e ntshofaditsweng ebile e sa tshekallatswa. O nahana hore ke hobaneng e ntshofaditswe?
Ebe polelo e ntshofaditsweng ebile e tshekalletse ke ntlha kapa mohopolo feela Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao?
Mohopolo wa sehlooho oo papatso ena e o reretsweng ke ofe?
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Dintlha tsa hao di be ka sebopeho sa dipolelo, e seng ka lentswe le le leng feela. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Boholoholo ho ne ho na le basadi ba babedi ba sethepu. E mong a beleha. Mohaditsong wa hae a rera ho mmolaya ka ha ba ne ba sa utlwane. A rera ho mo jesa moleso wa dikgomo, a mmolaye ka wona.
Naheng kwana ho ne ho e na le mabele. Mabele ana a jewa ke dikgomo le dinonyana. A ne a bitswa moleso wa dikgomo. A ne a tadimeha jwalo ka tjhefu. Ha e le batho bona, ba ne ba itjella bolokwe ba dikgomo bo neng bo futswelwa ka lebese.
Mohaditsong a sila, a pheha, a fehla lesheleshele a isetsa motswetse a fihla a re: "Rona e se e le matsatsinyana jwale re itjella ntho ena, moleso wa dikgomo empa ha re e so bolelle batho. Monate wa yona ke o makatsang. O le nyaye le kolobe." Motswetse a habola ha monate mpa ya tlala.
Ka mora matsatsi a seng makae, motswetse a simolla ho nona. Mohaditsong a re ka pelong: "Kajeno ke mo fumane, ke eo o se a qala ho ruruha mmele." Motswetse yena a nna a tswela pele ho hohomoha, lebala la hlaka hobane lesheleshele le ne le hlatswa madi. Ho mohaditsong tsena kaofela ya ba matshwao a lefu le tseleng.
Eitse ha a elellwa hore eo ha a shwe, a ikwahlaya haholo ka ho otla sera sa hae. Ho tloha mehleng eo batho ba tseba hore mabele ke dijo tse molemo. 'Ke tshomo ka mathetho.'
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mmampodi kgwaolla ditswakotleng, JM Lenake.
Mohau o ile a thaba haholo ha a bona moholo wa kereke ya bitswang Namodi, etswe hara ditho tsa lekgotla la kereke a ne a mo utlwisisa ho feta ba bangata. O ile a bontsha moholo Namodi tswelopele eo a seng a e fihletse ka nako eo e kgutshwanyane. O thehile sekolo, mme se tswela pele hantle haholo. O dumela hore thupa e kojwa e sa le metsi. Ba rutwe hantle ho se ke ha tshwana le bona ba ileng ba rutwa tsohle tseo ba neng ba sa di hloke, tse neng di le molemong wa ba neng ba rala thuto ya bona ka nako eo. Ba tingwa tseo ba neng ba hlile ba di hloka ho hodisa setso le boitsebahatso ba setjhaba sa habo bona.
Namodi o botsa Mohau hore e be botlokotsebe bona bo ntse bo eya jwang polasing moo. Mohau a mmolella nnete feela. Bo ya ka theko, le ha bo ntse bo le teng. Dihaeya ho bonahala eka ke tsa lefatshe ka bophara. Le hona mona ho se ho nne ho utlwahale hore mohatsa Nnyeo o ile a kgephola basadi ba ile patsing ka baka la bobare. Ntho tse tjena di etsahala hohle.
Mohau a bolella Namodi hore ha e le lefapheng la tshebetso ya ditjhelete teng ho ntse ho e na le leemenyana, empa taba eo e shebilwe ka leihlo le ntjhotjho ke ba sebetsanang le yona. Taba e nngwe e tshwenyang, ke dipolayo tsena tse sehloho tsa borapolasi. Hoo ho beha naha ya rona ka mosing, mme e kgutlisetsa setjhaba morao. Boramatsete ba hloka bonnete ba ho re ba tla fumantshwa tshireletso le polokeho. Namodi o tlohile moo a kgotsofetse ke ka moo Mohau a mo hlaloseditseng ka teng.
Letsatsi la mokete la lenyalo la Mohau le Mamosa la atamela. Dihase di ne di bala dikgwedi. Dibeke le tsona re nnile ra di bala. Taba ena ya lenyalo la Mohau le Mamosa e ne e amohetswe ka maikutlo a fapaneng ke batho ba bangata. Ba bang ba re Mohau o mpa a nkile ngwana Lekgowa hobane a ipatlela tjhelete, ha ba bang bona ba re o mo nkile hobane a tseba temo le diphoofolo, mme o tla mo thusa haholo ho ntshetsa maikemisetso a hae pele. Mohau o ne a rata Mamosa e le ka nnete. O ne a se na taba le seo batho ba neng ba se bua. O ne a ipolelletse hore yena le Mamosa ba tla ruta lefatshe lerato la nnete.
O ne a shebile ka leihlo le ntjhotjho.
Polelong ena ' ha e le lefapheng la tshebetso ya ditjhelete ...', polelong eo lentswe le ntshofaditsweng ke lehlalosi la sebaka. Ngola polelo e latelang hape o ngole lentswe le ntshofaditsweng le se le fetoletswe ho lehlalosi la sebaka.
Bophelo bo ntse bo eya jwang polasi moo.
Polelong ena, 'Letsatsi la lenyalo la mokete la atamela' ke polelo e bontshang lehokathuo ka mabopi a ntshofaditsweng. A ke o ngole polelo e latelang e le sebopehong se nepahetseng.
Namodi ke moholo ya kereke ya utlwisiswang.
Ba tla ruta lefatshe lerato la nnete.' Ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe polelong ee?
Polelong ena 'Mohau o ile a thaba haholo' moelelo wa lentswe le ntshofaditsweng ke 'ho nyakalla'. Ha moelelo o mong wa lona e ka ba o latelang, 'Ke palame thaba ya Mount Aux Source'. Ipopele dipolelo ka lentswe le latelang e le ho totobatsa meelelo e mmedi e fapaneng ya lentswe leo.
Polelong ena, 'O ne a ipolelletse hore yena le Mamosa ' ho sebedisitswe lebopi la boiketsi.
O fihlelletse katleho ka nako e kgutshwanyane'.
Polelong ena, 'Ntho tse tjena di etsahala hohle' ho sebedisitswe leakaretsi 'hohle'.
Fetolela polelo e latelang sebopehong sa potso.
Taba e nngwe e tshwenyang ke dipolayo tsa boRapolasi.
Mohau o ne a rata Mamosa e le ka nnete.
Hlalosa maele a latelang 'thupa e kotjwa e sa le metsi' ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema.
Ngola polelo ena sebopehong sa puopehelo.
Mohau, e be botlokotsebe bo ntse bo ya jwang. Ho botsa Namodi.
Polelong e latelang "Ho se ho nne ho utlwahale hore mohatsa Nnyeo o ile a " ho sebedisitswe lehaelli/lethusi nne. Iketsetse polelo eo ho yona o tla sebedisa lentswe le ntshofaditsweng ho yona.
Hlopholla/qhaqholla polelomararane e latelang ka ho ngola dipolelwana tse boletsweng.
Mohatsa Nnyeo o ile a kgephola basadi ba neng ba ile patsing ka baka la bobare.
Temeng ho sebedisitswe lentswe 'leemenyana'e le ho bontsha nyenyefatso. Ipopele nyenyefatso ka lebitso lena 'basadi' o be o le sebedise polelong ya hao.
Refo! Yaka hoja re phahamisitswe ke ho kgwathwa ha konopo ya motlakase. Ha se rona feela ba babedi ba tlotseng hong empa setjhaba se mono kaofela ha sona se ile sa refoha ha mmino o qala. Ka fumana motswalle a se a swentse ka mahlong eka o ankgelwa. Ha mahlo a ka a teana le a motho e mong, ke ha eo a e ya ka lekeke seka motho wa sethwathwa. Ke re batho ba fetoha dibopeho bo! La jewa leoto, ka ba ka utlwa hantle le nna hore ho tla kgaoha moo ho kgwehlang. Eitse moo pina e loelang mabone a re fi! Ha thola ha re tu! Ka ho panya ha leihlo. Yare re sa maketse jwalo, ha utlwahala sefako sa majwe difensetereng le masenkeng. Ha senyeha ka holong. Ya eba letlaburu ho batla le ha e le lesobanyana feela la ho tswa ka holong. Batho ra hatana hodimo seka bohlwa lefifing. Ra hatana hodimo e se ka morero. Diboko tsona e le tse hlomolang. Moo ke reng etlo, ka iphumana ke se ke le ka ntle, ke sutumeleditswe teng ke boiyane bona ba batho. Ka lehlohonolo ka iphumana ke ntse ke feletse. Tokelo yena Ke re ke moihlwe ho fihlela lena le hodimo?
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mmampodi kgwaolla ditswakotleng, JM Lenake.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa dipolelwang tse latelang. Ithuse ka tema e ka hodimo.
motho ya nang le leihlo le le leng.
lefu la ho wa.
Sebedisa maelana/sekapolelo sena 'Ka ho panya ha leihlo' polelong eo o tla ipopela yona.
Sebedisa leetsisamodumo lena, 'fi!' polelong eo o tla iketsetsa yona.
Ho ja leoto.
Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng polelong ee: 'Batho ra hatana hodimo seka bohlwa lefifing'.
<fn>Sesotho FAL P1.txt</fn>
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dipotso tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Re tla bula lebitla la morena hanyenyane feela, mme ebe wena o a kena. Ke tla beha lekapa (lesenke) ka hodima hao ke ntano kgutlisetsa mobu. Jwale ke tla siya lesoba le lenyenyane ka bohlale, e le hore o se ke wa bipetsana. Hape lesoba leo, ke moo wena o tlang ho bua teng ka nako ya teng, e beilweng !
Ha o se o kene ka lebitleng, nna ke tla fetela motseng.
Sekgukguni a botsa ka ho makala, 'O bolela hore o tla ya tsebisa mofumahadi le lekgotla hore morena wa bona o tsohile bafung?
Ho jwalo, ha ho jwalo. Mohla phupu ya morena ke na be ke le teng. Ke se ke ile ka o bolella hape hore ke ne ke hlokometse hore ho se be le ya ntemohang. Hona mohla phupu eo ya morena Ramoroko ke ne ke utlwe le leng la matona le bolela ka moo morena a kutseng nako e telele ka teng. Le bolella setjhaba ka moo morena a tsamaileng dingakeng tsa sekgowa le tsa sesotho ka teng. La qetella ka ho bolela hore morena o kile a ba bolella ka ngaka ya sesotho hole Natala e kileng ya batla e thoba dihlabi tsa hae. Morena o timela tjena e le hore o ne a itokisetsa leeto la ho boela a ilo bona ngaka eo ya hae Natala kwana.
Ke tla bolella mofumahadi le matona a hae hore ke ngaka e hlahang Natala kwana. Ke tla bolela hore nkile ka nna ka phekola morena Ramoroko ha a ntse a phela.
O kile a mpolella sebaka le tulo moo a jakileng teng, mme ke ne ke le lekgatheng la ho tla mmona, ha badimo ba mpolella hore o hlokahetse.
Kgele, efela o a tshetleha weso. Ruri o bohlale. Empa na monna o hopola hore ba tla dumela seo o se buang ha o re morena o ne a o kolota' Ke Sekgukguni eo. 'Ba tshwanetse ho dumela ntle le ho qeaqea. Ke tla re morena o ne a nkolota, mme o itse ke lefuwe diponto tse dikete tse mashome a mabedi.' Jwale nna ke kena kae' 'O kena tjena,' o a bososela, o thabile. Ke tla bolella mofumahadi le matona hore morena o itse ba tsamaye le nna ho ya lebitleng la hae ho ya ikutlwela ka tsebe tsa bona ha a buisana le mofumahadi; a mo hlalosetsa ka nna..?
Ha re fihla lebitleng nna ke tla atamela lesobeng lane. Ke tla ipolela hore ke nna mangmang ya hlahang ka mona ka Natala. Ke tlile ka pitso ya hae, hore ke tlo lata ditefo tsa ka, mme mofumahadi, matona le setjhaba ke bana ba teng. Jwale he, wena o tla arabela ka lentswe le phefa, o bolele ka moo e leng nnete ka teng hore ke fela ke tshwanelwa ke moputso. Banna re sa tla ba barui, thola o re tu, re tla arolelana ka ho lekana.
Bolela lebitso la morena eo ho buuwang ka yena temeng.
Ke mang ya neng a bolella batho ka tsa ho kula ha morena mohla phupu?
Hlahisa dintlha tse tharo tse bontshang ka moo banna bana ba rerileng ho qhekella mofumahadi ka teng?
Ke hobaneng ha banna bao ba ne ba loha leqheka lee?
Ngaka ya Natala e neng e alafa morena ke ya mofuta ofe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, hobaneng ha ho ne ho behwa lesenke hodima Sekgukguni ha a le ka lebitleng?
Ke ka baka lang ha banna baa ile ba etsa hore ho be le lesoba lebitleng?
Bolela hore polelo e latelang ke nnete kapa mafosisa, o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang.
Ngaka ya Natala e ile ya fodisa morena.
Bolela hore o utlwisisa eng ka mantswe a ngotsweng ka botenya ho ya ka ditaba tsa temana.
Morena o timela tjena e le hore o ne a itokisetsa...
Kotsi ya ho kwalla motho tulong e se nang masoba a ho kenya moya ho hang ke efe Sebedisa lentswe le hlahellang temeng?
Na morero wa ho ya qhekella mofumahadi ke ntho e ntle ho ya ka wena?
Hlahlobisisa setshwantsho sena o ntano araba dipotso tse theilweng hodima sona.
Mariha a a fela jwale, ho a futhumala! Banana le bashanyana ba tla etsang Natefelwa ke maemo ana a lehodimo a matle! Ke nako ya ho bapalla ka ntle. Letsatsi le na le Vitamin D, hape ho na le dintho tse ngata tse thabisang ka ntle. O ka sesa ha o le lehlohonolo, heno ho ena le letamo. Empa qala ka ho nnetefatsa hore bana ba tseba ho sesa pele o ka ba dumella ho kena ka metsing le ba bang. Ha ba sa tsebe ho sesa teng, ba bapalle lehlabatheng. Bapalang dipapadi tse ding. Le ka bapala ha monate le le lelapa kapa bana ba nna ba thabela ho ba le bana ba bang; ka hoo ba ngodise sehlopheng sa bolo kapa se seng sa boithabiso?
Letshwao le hlahisitsweng setshwantshong le bontshang hore ho ne ho tjhesa ke lefe?
Boithabiso bona bo etsahala sehleng sefe sa selemo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na o bona batho ba apere ka tshwanelo Tshehetsa karabo ya hao?
Sebaka sena se tsebahala ka ntho dife tsa tlhaho Bolela tse pedi?
Se bontshang hore batho bana ba thabile ke sefe?
Bolela dintho tse tharo tse supang hore lelapa lena le ne le tokiseditse leeto.
Bala tema e latelang ka hloko o nto e akaretsa ka dintlha tse supileng tse hlalosang papadi ya mobetano.
Nomora dintlha ho tloha ho 1 - 7.
Palo ya mantswe e be pakeng tsa 60 le 70.
Ngola ka mantswe a hao.
Ngola palo ya mantswe qetellong ya kakaretso ya hao.
Mohlahlobuwa ya sa lateleng ditaelo o tla lahlehelwa ke matshwao.
Lenaneo le mona la papadi ya mobetano le hlahellang thelevisheneng le ratwa haholo ke bashanyana. Babohi ba lenaneo lena ba nahana hore papadi ena e qala hona mona thelevisheneng ka dikgalala tse tsejwang tse jwalo ka Booker T, Big Show, Cena, Undertaker le ba bang.
Mehleng ya boholoholo papadi ya mobetano e ne e bapalwa ke bashanyana le banna ho ya ka bothaka ba bona. Ke papadi eo dibapadi tsa yona di nonyanang matla a dikgoka le ho kwena ha tsona. Ka hoo e kgothaletsa bophelo bo botle ba mmele, ho shahla. Dibapadi di lokela ho sebedisa maqiti a itseng ka tshebediso ya matsoho le maoto a tsona ho ikgapela tlholo. Hona ho supa tlhokahalo ya kelello e tjhatsi ya sebapadi ka seng le bokgoni ba ho qhekanyetsa wa mphato ka tshebediso ya matla a dikgoka.
Ka Sesotho, papadi ena e bapalwa ke dibapadi tse pedi ka nako. Dibapadi tsena tse pedi di qabanngwa ke e mong wa ba teng moo, eo e tla re ho ntse ho qoqwa ke thaka a be a se a re ho bona: " nnyeonyeo (o bitsa lebitso la e mong), naa o ka diha nnyeonyeo (o bitsa lebitso la e mong)." Eo wa bobedi ha a ka dumela feela, eba o se a e kgwathile mme e kopane. Ba bang ba teng moo ba se ba fetoha batsamaisi ba papadi ena ka ho hlokomela hore ba betanang ha ba ntshane kotsi, jwalo ka ho tebelana kapa ho betwa ke pelo ebe motho o se a sebedisa sebetsa se kotsi. Dibapadi di lokela ho sebedisa matsoho a tsona ho tshwarana ka maqiti ka matla le ho remela ka maoto le ho kolokotjhana, e le ha ba leka ho dihana?
Ha eba ho etsahala hore e mong wa dibapadi tsena a we, e mong o leka ho mo hatella fatshe ho fihlela eo a se a sa leke ho mo nyokola. Ha ya hatelletsweng a se a namaletse, seo e ba sesupo sa ho inehela ha hae mme ya mo hatelletseng e ba mohlodi.
Bala tema e latelang ka hloko hore o tle o arabe dipotso tse theilweng hodima yona.
Pelo ena ya ka e tletse bora, e dutla madi a boiphetetso.' Ke Dira eo a ntse a nahana. O ntse a fetoha kgafetsa betheng, mosamo o metsi tee! Dikgapha di ntse di phorosela sa metsi a noka. Selemong sa pele sa lengolo la bosuwe o fetile hantle, le hona ka maemo a hodimo. Ho nwa o ne a ntse a nwa ka mokgwa o le mong. Selemong sa bobedi le teng a feta ha bonolo, e le hore o ntse a nwa ka mokgwa o le mong. Jwale ha a utlwisise se etsang hore selemong sa boraro a feile, le hona a feila e le hore ho pasa ho bolela ho ba mosuwe.
Mohlomong motho o sitisitswe ke hona ho nwa haholo selemong sena. Etswe ho ne ho nowa hlee.' Ke Dira eo a se a nahana metsotso ya ho feta.
Yena le mathaka ba ne ba hopola hore e se e le mesuwe, ho setseng feela ke hore ho ngolwe hlahlobo ya makgaolakgang, ba fumane ditokomane tsa bona ba tswe ba kena bophelong boo ba bo labalabelang hakaana.
Mohlomong ke hobane ba ne ba nwa haholo ho ntse ho ngolwa dihlahlobo, ebe motho ha a sa fumana le nako ya ho bala. A utlwa a sehwa ke letswalo le mo kgaolang dibete ha a nahana puo ya ho re, 'bosuwe o ithutetse bona a ba a tswa le manaka a bona'. O tla pheta jwang metswalle ya hae e le mesuwe, e ithabisa ha monate, e itjella tjhelete ya yona le baratuwa ba yona?
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso: Mohlomong motho o sitisitswe ke hona ho nwa haholo selemong sena.
Polelo ena e lekgatheng la lephethi. E ngole hape empa o e fetolele ho lekgathe lejwale.
Sekao se sebedisitsweng polelong ena ke sa pehelo/sekaopeho. Jwale e fetolele ho sekaokgoneho.
Polelong e ho 3.1, leetsi sitisitswe le boetsuweng.
Baithuti ba nwa jwala ha ba le sekolong.
Lentswe haholo le hlalosa mokgwa oo Dira a neng a nwa ka wona. Selemong ke lehlalosi la mofuta ofe Le sebedise polelong e utlwahalang?
Sena ke lesupi le supang ntho e haufi le mmui. Le sebedise polelong ya hao ho supa ntho e haufi le mmuiswa.
Polelong ena: 'Dikgapha di ntse di phorosela sa metsi a noka,' mongodi o hodisitse moelelo ka ho sebedisa tshwantshanyo/ papiso. Ho 'Pelo ena ya ka e dutla madi a boiphetetso,' ke sekapuo sefe se sebedisitsweng?
Mantswe ana hantle le haufi a a fumaneha temeng. Fana ka malatodi/ diantonime tsa ona o be o di sebedise dipolelong tsa hao.
Nehelana ka bongata ba mantswe a ngotsweng ka mongolo o motenya polelong ena. Ngola karabo tse nepahetseng feela nomorong e loketseng. Motho ha a sa fumana sebaka sa ho bala lengolo matsatsing ana.
Sebedisa lentswe noka dipolelong tse pedi tse fapaneng ho hlakisa meelelo e meng ya lona e sa tshwaneng le o hlahellang temaneng.
Sebedisa lekopanyi hobane ho kopanya dipolelo tsena tse pedi.
Baithuti ba fumane ditokomane tsa bona.
Baithuti ba sebeditse hantle dihlahlobong tsa bona.
Polelong ena: 'Bosuwe o ithutetse bona a ba a tswa le manaka.' Lentswe le sehetsweng mola ke leemedi. Nehelana ka maemedi a mantswe ana: selemo le lengolo o be o a sebedise dipolelong tsa hao tse nepahetseng.
Nehelana ka lehlalosonngwe (sinonime) la lentswe le sebedisitsweng temeng le bolelang menyepetsi.
Dira o nwele jwala ba Sekgowa, jwale o nkga...
Metswalle ya Dira e fumane ditokomane, ke mesuwe.
Hlahlobisisa bokantle ba makasine o arabe dipotso tse botsitsweng.
Sefahleho sa morwetsana enwa se supa maikutlo afe Hobaneng ha o realo?
Ke sehlooho sefe se hohelang ho feta tse ding Hobaneng o realo?
Mantswe a hlahellang ka tlasa lebitso la makasine a ngotswe ka mongolo o monyenyane ho feta a mang. Ebe lebaka ke lefe?
Qolla sehlooho se ka susumetsang babadi ho reka makasine ena. Fana ka lebaka le utlwahalang bakeng sa karabo ya hao.
Kgethollo e a nenwa naheng ya rona. Ho teng sehlooho se kgethollang makasineng, se bolele o be o hlalose ka moo se kgethollang ka teng.
<fn>Sesotho FAL P2 Feb-March 2010 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 18.
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya D (ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile boemong bo bobe. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng ana a mabedi e le leng, DIKAHARE le SEBOPEHO LE PUO. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwayi a ele hloko hore makgetha ana a mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe(ho ka rubriki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
Kutlwisiso ya potso/ sehlooho; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), le kutlwisiso e tebileng ya sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo.
Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fapaneng ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebi-leng ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o ne-helana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme di tshehetswa ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa kutlwisiso e kgabane ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefu-tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki bo itseng bo supang kutlwisiso ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu-llutsweng ka botlalo.
Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo.
Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo ka nako tsohle; ho bonahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Ho etswa boiteko bo ma-hareng ba ho hlalosa sehlooho; dikarabo tsa hae ke tse tlwaelehileng feela.
Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ya potso; ditaba tsa hae ha di kgodise hakaalo; tshehetso ke e seng kae feela ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki supang a se na kutlwisiso ya kutlwisiso ya motheo ya mofuta ona wa sengolwa mmoho le ya potso.
Tshekatsheko e kgaello e kgolo; diba-keng tse ding ho na le phetapheto ya dintlha ha tse ding di tswile tswileng lekoteng.
Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na ditlhaloso tse fosahetseng.
Tshekatsheko e supa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tse seng kae tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
Ho entswe boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Tse ding tse mma-lwa tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neeletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho.
Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehisa tlhahisong ya moelelo o nepahetseng.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng.
Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng.
Tshebediso ya puo, seha-lo le setaele, boholo di hla-hella nehelanong di sebe-disitswe ka tsela e nepa-hetseng.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae.
Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate-llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe-tseng.
Diphoso tsa puo di bona-hala ka bongata. Tshebe-diso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosa-hetseng.
Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme e dita-ba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Ha ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho dira-tswana kapa kgokahano.
Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshe-kong ya hae. Karabong ya hae ha o ke ke wa e utlwi-sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo, se-halo le setaele, boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
Diketsahalo tsa pale ena di bontsha bohlale le maqheka ao baphetwa ba sehlooho, e leng Mananyetsa le Sekgukguni ba neng ba na le ona. Maqiti ana a bona a qala mahareng a noka ya Lekwa moo ba kopanang teng mme ba fapanyetsana ka dikgwebo tsa bona tsa boqitolo. Sekgukguni o rekiseditse Mananyetsa thipa eo a itseng ke ya kgauta ha Mananyetsa yena a rekiseditse Sekgukguni manepa (mahe a dinotshi). Bobeding ba bona, ba ile ba hlokomela hore ba qhekanyetsane nakong eo ba seng ba arohane, e mong a se a le sebaka ho tloha ho e mong. Ketsahalo eo ya etsa hore e mong le e mong moo a leng teng a kgene, mme a tloselletse ho kgutlela morao ho e mong. Ha ba teana ba halefelana empa ka mora moo ba dumellana ka hore ba tla iphedisa ka maqheka ao bobedi ba ikelelletsweng hore ba na le ona.
Ba ile ba loha leano la ho ya motseng wa morena Ramoroko ya seng a hlokahetse, ho ya tlatlapa mofumahadi wa hae ditjhelete tse siilweng ke monna wa hae. Mananyetsa o ile a sebedisa maqheka a hae mme a thetsa mofumahadi ka hore yena ke ngaka ya Natala e neng e phekola morena ha a ne a sa phela. O ile a hlalosetsa mofumahadi hore morena o mo etetse ditorong tsa hae mme o mmolelletse hore mofumahadi a mo lefe tjhelete eo a neng a eso e lefe bakeng sa tshebetso eo a ileng a e etsa ho morena. O ile a hlalosa hore haeba ba sa mo kgolwe, morena o itse ba tle lebitleng ba tlo ikgodisa ka lentswe la hae.
Ka nako eo Sekgukguni o tla be a kentswe ka bohlale ka hara lebitla la morena mme o tla iketsa morena a arabele ho seo Mananyetsa a tla beng a se bua. Tseo di ile tsa phethahala empa mathata a hlaha moo matona le setjhaba ba neng ba sa kgolwe ditaba tsa hae mme ba mo tshosa ka hore ba tlo mmolaela lebitleng moo haeba ho sa tlo phethahala kamoo a ba bolellang kateng. Mathata a mang ya eba a hore ebe Sekgukguni o ntse a le ka lebitleng mme o tla nne a etsa ho ya kamoo ba neng ba rerile kateng.
Ha ditaba di le jwalo ditaba di ile tsa rarahana le ho feta ha Mananyetsa a se a lefuwe tjhelete ke mofumahadi. O ile a baleha ka tjhelete bakeng sa hore a kgutlele lebitleng ho ya ntsha Sekgukguni hore ba tle ba kgone ho arolelana tjhelete.
Sekgukguni o ile a kgona ho tswa ka hara lebitla. O ile a fuputsa ka bohlale hore ebe Mananyetsa o kae mme a fumana hore o balehile ka tjhelete. Ba ile ba nna ba sokodisana jwalo ka mokotlana wa tjhelete. O nkuwe ke e mong ha e mong a sa elellwa kapa a le siyo tulong eo a o behileng teng ho fihlela moo Mananyetsa a lebang ha Sekgukguni Soweto ho ya batla karolo ya hae.
O thusitswe ke aterese ya Sekgukguni eo a e fumaneng ka mokotlaneng o ka hare wa baki ya hae.
O ne a ilo batla karolo ya hae ya tjhelete ho Sekgukguni eo ba e fumaneng ka maqiti ho mofumahadi.
O itse ke lepolesa ha a batla hore ngwana Sekgukguni a tle a mathe ho ya bitsa ntatae.
Sekgukguni o kentse noha e kotsi ka hara lona mme o a le tjhesa.
A re ngwana a phakise ho ya tsebisa ntatae hore ntate lepolesa o tjhesa lebokose leo.
Sekgukguni mmoho le baahisane ba phallela ha hae ha ba bona mosi wa motonanahadi o tswang moo.
O ne a etsa leqheka leo hore Sekgukguni a tle a tle ha hae ba tle ba kgone ho teana.
O ne a ile jwaleng/ ha Mmasekala.
Mosi wa motonanahadi o neng o kubella ha hae.
Mananyetsa: O ile a nanya nakong eo Sekgukguni a ileng le sephume sa boroko kwana naheng, yaba o nka mokotla wa tjhelete a baleha ka wona.
Sekgukguni: O ile a kena ka lebitleng ka sekgukgu batho ba motseng oo ba sa mmona/O nkile mokotla wa tjhelete ha Mananyetsa ka sekgukgu hoba a bone hore ha ho motho ya ka mmonang ha a etsa ketso eo.
Mmasekala: O tsebahala ka ho rekisa jwala.
A ntsha tjhelete ba e arolelana.
A ntsha tjhelete e ngata.
Tjhelete ya dipampiri e tala e ngata.
Bohlale ha bo ahe tulong e le nngwe, ha ho ya hlotseng e mong maqhekeng ohle ao ba neng ba leka ho qhekanyetsana ka oona, vv ho fihlella qetellong ya pale moo ba seng ba dumellana ho arolelana tjhelete.
Diketsahalo tsa pale di paka hore mongodi o kgethetse pale ya hae tikoloho le nako tsa mehla ya jwale.
Mongodi o bua ka sekolo sa tswelopele. Bana ba rutwa ho bala le ho ngola Dipalo le tse ding. Ha ba se ba qetile sekolong se phahameng ba ntshetsa dithuto pele: Hlomi o ya yunivesiti ya meriana ya Afrika Borwa ho ya ithuta ka meriana le dipatlisiso, Lerato a ya ithuta tsa hlaho, Kapa mme Morwesi a ithutela bosuwe.
Sekolong moo ho teng le matitjhere a tswang mafatsheng a mang, jwalo ka Kuntiwa ya neng a etswa Uganda a ruta dipalo.
Ho ile ha ba le ditlhodisano bakeng sa mokete wa sekolo, baithuti ba itlhophisetsa ditlhodisano tsa mmino le metjeko.
Dineo o ile a ngolla Hlomi lengolo a ipolela kamoo a mo ratang ka teng ka nako tse ding a be a mmotse hore ke ka lebaka la eng ha a kgathalla Lerato empa a sa mo tsotelle.
Hlomi le Lerato ba a ratana. Mma Lerato o mema Hlomi ho tla ja dijo tsa motshehare le bona. Ho fihleng ha hae o hlokomela hore Lerato o ne a bua ka yena ho mmae. Batswadi ba Lerato ba amohela Hlomi ntle le mathata a letho. Ba ikakgela ka setotswana boitokisetsong ba Hlomi ha a ne a eya sekolong, ba ba ba mo felehetsa seteisheneng. Ha Lerato a le mmeleng, ntatae o bitsa Hlomi ho buisana le yena. Nakong eo Lerato a belehang Hlomi o ne a le sepetlele, ha ho latelwe tsela ya Sesotho ya ho hlompha motswetse. Lerato o reha ngwana lebitso batswadi ba bona ntse ba le teng.
Ha Hlomi le Lerato ba se ba tobana le mathata batswadi ba Lerato ba batla ho tseba hore ho etsahala eng.
Jwalo ka ha Tshiu a ne a hlekefetsa Hlomiv, mongodi o re ruta hore dikgoka ha di putsev, mme ya mamellang o a atleha.
Bobedi ba ne ba batla ho ratana le Lerato.
Mongodi ha a e phethela hantle. O ne a tlamehile ho re hlahisetsa tsa bophelo ba Hlomi le Lerato ha ba se ba dula mmoho le mora bona.
O e phethetse hantle. Mongodi o re bontshitse hore mamello e tswala katleho. Qetellong Dineo o nyalana le motho eo a mo ratileng dilemolemo.
E, Ha ke sa nyalwa ke tla dumela.
Tjhev, o hlolehile ho nkamohela pele a nyala Lerato.
Hlomi le sehlopha sa hae ba ne ba ikwetlisa ka mehla.
Mmae o ile a mo rekela dieta tsa motjeko.
O ile a lokisa moriri le diaparo tsa tsatsi leo.
Sepheo e ne e le ho hapa Lerato.
O ile a atleha.
Lerato o ile a mo rorisa a bolela kamoo a neng a kgahla kateng mohla mokete, ka hoo a mo hapa maikutlo.
Ha ho phoso, dinako di fetohile. Ha ngwana a le dilemong tsa ho ratana, batswadi ba ka tsebiswa motho eo a ratanang le yena. Motswadi o na le boikgethelo ba ho batla/ho se batle ho tsebiswa mohlankana wa ngwana hae. Sena se tla laolwa ke tsela eo a batlang ho hodisa ngwana ka yona.
O ile a ikgakanya ka katleho hoo qetellong a ileng a ba a sibolla hore hantlentle Mobrigadiri Ramaqiti ke yena mookamedi wa mokgatlo wa Bana ba Phiri. O ile a ba a sibolla hore Sister Ruth e ne e se moitlami jwalo ka ha a ne a ikgakantse empa e ne e le yena ya neng a laola diketsahalo tse mpe tse neng di etsahala sehlekehlekeng.
Ha a etsa mosebetsi wa hae o o etsa ka pelo ya hae yohle mme o etsa mosebetsi o tswileng matsoho. O ile a dumela ha a ne a rongwa ho ya fuputsa ka bonokwane bo neng bo etswa ke Bana ba Phiri le ka polao e sehlooho ya Mopresidente Mobishopo Gabriel Gaofetoge le Moemedi Timbonile Dlamini. Diteko le maraba ohle ao a neng a a tjhehetswe ke mokgatlo ona wa Bana ba Phiri o ile a kgona ho di qoba.
Kelello ya hae e kgona ho sebetsa ka pele.
O ile a lemoha ka potlako ha Ramaqiti a ntse a mmotsa dipotso tse amang le yena hore e ka nna ya ba o na le seabo diketsahalong tse ding tse soro tse neng di mo hlahela. O ile a etsa qeto ya ho se bolelle Ramaqiti dintho tsohle ka ha a ne a se a elelletswe hore Ramaqiti o na le motho ya mmolellang ditaba tse neng di mmeha sehlohlolong sa diketsahalo tse neng di hlahela Chikano ka nako tsohle.
E ne e le Moborigadiri wa sepolesa empa o ne a etelletse pele lequlwana la dinokwane le bitswang ka lebitso la Bana ba Phiri. Bana ba Phiri bao e ne e le batho ba ikentseng baruti ba lentswe la Modimo mme sena ba ne ba se etsa ka baka la ho lahlisa batho mohlala wa bona. O ne a bokeletsa maruo le matlotlo a hae ka bonokwane. O ne a etsa eka o batla ho thusa monghadi Chikano diphuphutsong tsa hae tseo a neng a di etsa empa nnete ya ditaba ke hore ke yena ya neng a ntse a mo romela dinokwane tse neng di batla ho mmolaya. O ile a etsa eka ha a tsebe hore moruti Sam Zamiya wa Ilizwi Mission Church ke mang empa a ntse a tseba hantle mme a bolella Chikano hore ha a eso utlwele ka motho ya jwalo. O ne a imakaditse ka ho nyamela ha Thakadi empa a tseba hantle hore ke mokgatlo wa hae o e kwetetseng.
O ile a balehela Bosothonia moo a ileng a ingodisa yunivesithing ka lebitso lesele. Ha a se a rutehile a entse boenjinere ho tsa Dielektroniki, o ile a sebetsa hona yunivesithing moo. O ile a bolaya mosebetsimmoho le yena.
Kajeno ke enwa ke Mobishopo ya tletseng bohalaledi eo setjhaba se mo ratang le ho mo hlompha mme o bolaya ntle le qeaqeo batho bohle bao a nahanang hore ba batla ho mo ema kapele. Batho ba bangata ba tseba e le moBishopo ya matla lentsweng la Modimo empa ha ho jwalo. Kopanong ya bona ya pele o ile a bolaya e mong wa mokgatlo hobane o re o batla ho senya morero wa bona.
Zero ke Moatemirale wa Lebotho la Setjhaba la Dihlwela, Polokeho le Mahlale mme ke mookamedi wa Chikano.
Chikano ke sehlwela sa lebotho leo mme o sebetsa le ho nka ditaelo ho Zero mme ke yena ya tshepelwang mesebetsi e kotsi e kang ya ho batlana le mokgatlo wa Bana ba Phiri.
O thehetswe ho pata manyofonyofo le bobodu bo etswang ke beng ba mokgatlo oo ka ho iketsa ditho tsa kereke e tummeng, e ntle haholo ya Ilizwi Mission Church.
Le ne le tswa ho Bana ba Phiri mme le ne le ngoletswe Lekgotla la Tshohanyetso la Mopresidente Monnakgotla. Le ile la fetisetswa ho Mohlophisi wa lesedinyana la SETJHABA, monghadi Khumalo hore a le bale pele a nto le fetisetsa ho lekgotla la Monnakgotla.
Ke Mafosi. Pele a ipitsa Biala o kile a bolaya kgarebe ya hae ka baka la botahwa.
Ha a ne a sebetsa yunivesithing e le moenjinere o ile a bolaya mosebetsimmoho le yena.
O ile a bolaya e mong wa ditho tsa bana ba Phiri ka sehlooho hobane a ne a re o batlile a nyopisa morero wa bona.
Ke molwantshi wa toka ya sebedisang mara a hae a Bana ba Phiri, ho lwantsha le ho nyametsa bophelo ba Chikano ya sireletsang le ho lwanela toka setjhabeng.
Ke molwantshi wa toka ya ipatileng ka bobishopo mme o bolaya ntle le qeaqeo batho bohle, bao a nahanang hore ba batla ho mo ema ka pele. - Batho ba bangata ba tseba e le mobishopo ya matla lentsweng la Modimo empa ha ho jwalo.
Kopanong ya bona ya pele o ile a bolaya e mong wa mokgatlo hobane o re o batla ho senya morero wa bona.
O ne a ikentse moitlami athe ke yena ya laolang mesebetsi e mebe e etsahalang sehlekehlekeng moo.
Ka ntle ke sebaka se setle se kgabileng ka ditlama tse talatala le dipalesa tsa mefutafuta. Ho na le moaho o motle o moholo wa kereke ya Ilizwi Mission Church.
Ka hare ho fumanwa lehaha la mashodu, batlatlapi le babolai. Ke moo ho neng ho kwetelelwa batho le tlhapikepe e neng e le ya Afrikania.
Mobishopo Biala e ne e le Nasala. Nasala o ne a na le bofokodi bona: O ne a rata jwala le basadi.
O ile a bolaya kgarebe ya hae ka baka la jwala.
Kajeno ke enwa ke Mobishopo ya tletseng bohalaledi eo setjhaba se mo ratang le ho mo hlompha.
Di a kgolweha hobane taba ya bohlwela le bonokwane bo hlophisitsweng ke ntho e ntseng e etsahala le matsatsing a kajeno.
Batho ba tshepetsweng ho fana ka tshireletso setjhabeng (mapolesa), le batho bao ka kakaretso, ba hlomphehang hangata ke bona bao o tlang ho fumana ba le teng ditabeng tsena tsa bonokwane bo hlophisitsweng.
Pale ya Sehlekehleke sa Deidro e itshetlehile haholo ka bonokwane le bohlwela bo hlophisitsweng ka tlhoko.
Bonokwane bo etswa ke batho ba hlomphehileng setjhabeng mapolesa le baruti.
Dinokwane tsena di phelekanyetsa setjhaba ka diketso le dipuo tsa tsona jwalo ka mobishopo Biala ya neng a ratwa haholo ke matshweletshwele a motlotlo ka yena ka baka la bohalaledi ba hae.
Lelapa la Motaung le Mmatiisetso ke lelapa le tsitsitseng. Moradi wa bona Tiisetso o sebeditse hantle sephethong sa hae sa materiki, mme o na le maikemisetso a ho ntshetsa dithuto tsa hae pele Yunivesithing ya Qwaqwa. Motaung o rata lelapa la hae mme o le sebeletsa ka botshepehi. Kgotso e renang lapeng la hae e bonahala ka mehla ha a etswa mosebetsing, a fihla a suna Matiisetso a bile a mmotsa hore o hlotse jwang. Mmatiisetso ke mosadi ya hlomphang monna wa hae. Motaung o bontsha lerato ho maradi wa hae Tiisetso, ka ho mo rekela watjhe ha a atlehile a fumane lengolo la materiki. Matiisetso o mo kgahlisa ka tsohle tseo a lokelang ho di etsetsa monna wa hae. Hape ke motho ya utlwelang batho ba bang bohloko. Re bona a efa Mankepe dijo le ha banna ba bona ba sebetsa femeng e le nngwe. Re bona Mmatiisetso a kgothaletsa Mankepe hore a kgutlisetse Nkepe sekolong ka ha Nkepe a feitse materiki.
Motaung ho fetoheng ha hae, o qala ka ho fetohela mohatsae ka ho se mo sune ha a tswa mosebetsing jwalo ka ha a mo tlwaeditse. O se a bona ha maoto a Mmatiisetso a sa lekane, a se a hlahlela banna ba bang ba tswileng pekane melomong mme yena a ke ke a mo suna. Ha a fumana Tiisetso a le siyo ka lapeng, o qala ka ho mmitsa ka hore ke lehure mme moradi le mmae ke diphathakallle. O boela o fetohela ditshepiso tsa hae. Ha a sa tla ho isa Tiisetso Yunivesithng. O re moradi a ye ho batla mosebetsi difemeng. O re yena a ke ke a ruta ngwana ngwanana ka ha a tla be a mo rutela baditjhaba. Ha a tsoha hoseng, o se a tsohella ha Raboditse a sa hlapa. Ha a fihla teng o kopa botlolo ya biri a re o hlaphola hlooho.
O se a fihla ha hae ka shwalane mme a fihle a rohakane, a be a robale ka dieta. O qetella a se a sa ye kerekeng. O tsamaya le Raboditse ba ya ha Mantshele ya rekisang jwala. O phethela ka ho ratana le Mantshele, ebile ba se ba dula mmoho. Ho fetoheng ha hae, o fihla ka mora nako mosebetsing. O se a fokola mmeleng ka baka la ho ipolaisa jwala ha a tswa mosebetsing. Mosebetsing a lelekwa ka baka la ho fihla kamora nako. Mantshele le yena o qetelletse a se a mo lelekile ka baka la ho tebelwa ha hae mosebetsing.
O tseba ditaba pele di ka buuwa.
O tseba sephetho pele se ka phatlalatswa.
O ikeme ka leshome le se nang motso.
Ke malapa a mabedi. v Malapa ana ke metswalle/ Raboditse o sebetsa le Motaung/ Nkepe ke motswalle wa Tiisetso mme ba kena sekolo mmoho.
Ka ho mamela monna wa hae e le hlooho ya lelapa.
Ka ho mmolaisa phafa hobane se re mosadi o tla dula e le mosadi mme o lokela ho utlwa ka monna.
Ha a fihla lapeng o qala a batla dijo ho mosadi a sa mo ake/sune pele jwalo ka tlwaelo.
O thiba mohatsae molomo ka letsoho ha a re o a mo suna mme o mmolella hore o tla mo hlahisa diso molomong, mme o mo sutumelletsa morao.
O belaella hore mosadi o sunana le monna ya tswileng dilatswa motsheare ha yena a le mosebetsing.
O bolella mosadi hore ke yena hlooho ya lelapa e seng yena (mosadi).
O bolella mosadi hore a tlohele ho pota, ka ha a re tapole e le nngwe e bodisa tse ngata.
O lwantsha mosadi ka hore o mo ngwathetse bohobe (papa) bo se nang sejelello empa a sebetsa ka thata.
Mantshele o ile a nwesa Motaung jwala bo neng bo tswakantswe le phofshwana kapa pidisi e nngwe e neng e tlisitswe ke Raboditse.
O korotla ka hore Motaung o dula a hlenne ka mehla mme o se a lokelwa ke ho akgelwa lebitleng.
O korotla ka hore o botswa ebile o se a hlapa hlooho feela.
O korotla ka hore ha a kena, ho nkga seputa feela hoo batho ba mo qwayang.
O korotla ka meno a hae a masehla ao e ka reng o koma romo.
O korotla ka maoto a maputswa ao e ka reng a patsi ya mariha.
O korotla ka dieta tseo e ka reng o qhafutsa ka hara dikolobe.
O korotla ka dikausu tseo e ka reng ke seretse.
E, Sefi se qetelletse se tshwasitse Motaung jwalo ka ha molwantsi a ne a batla.
MODIA Mofihli M.
Pale e a hola, mathata a hlwa manolo hodimo, ditaba di a rarahana.
Ralehlatsa o rera le ba bang ho tshwara kopano moo ba neng ba ilo bua ka Tatolo. Ba kgemang le yena ba dumela ho tebela boTatolo. Ka letsatsi la kopano Ralehlatsa o kenya bana moya hore ha Tatolo a bua, ba mo thodise ba re ha ba sa mmatla, ba be ba mmetse ka majwe. Ya eba lerata le tshabehang ha difensetere di tjhwatleha le majwe a otla marulelong.
Tatolo le motsamaisi ba baleha. Ka nako ena Ralehlatsa o ne a tsheha a thabetse ketsahalo ena. Basadi ba neng ba le pela heke ha ba bona Tatolo a hlaha, ba hlaba modidietsane. Tatolo ha a ka a fumana thuso ho tswa bathong ba baholo. Ha mapolesa a fihla, Ralehlatsa ka bonokwane o a iphapanya, o re bana ba ne ba ithabetse, ba ipinela dipina. Nakong ena motsamaisi o ne a ikwaletse ofising. Ha a bula lemati bana ba betsa dikoloi tsa mapolesa ka majwe. Mapolesa a ba thunya ka dikulo tsa rabara le kgase e llisang mahlo.
Selemo sa fela motsamaisi a tsamaile. Dintho tsa senyeha le ho feta, ho se ya laolang. Ralehlatsa o phela a le thitelong le bana ho nowa majwala. Ba bang bona ba dula ba orile letsatsi letshehare lohle.
Tatolo o se a bua a le mong jwalo ka motho ya hlanyang, ka baka la ho kgathatseha ke ho bona tse etsahalang motseng wa habo. Ralehlatsa o ile a tebelwa mosebetsing hoba ba bongwanana eo a neng a ena le ngwana le yena, ba ritele nyewe kgahlanong le yena.
Ralehlatsa a fellwa ke tjhelete, ha e ba thata hore a fumane mosebetsi. Metswalle ya mmalehela, dikgarebe le tsona tsa nyamela, ho ba ntidi ha fela. Moo a neng a hirile teng a tebelwa hobane o ne a hloleha ho lefa.
Ke kgohlano e pakeng tsa motho le maemo (a itseng).
Ke teko e etswang ke mophetwa wa sehlooho ya ho rarolla qaka.
Ke tikoloho ya motseng wa lekeishene Kutlwanong.
Ke diphetoho tse teng kerekeng matsatsing a kajeno.
Mongodi o sebedisa puo ena ya Mojalefa e le lewa la ho bopa tebello paleng ya hae; ka tsela ena o neha mophetwa wa sehlooho (paleng) monyetla wa ho nahana le ho arabela puo ena.
Lebaka leo Mojalefa a le hlahisang le hlahisa thahasello ho mmadi; o ipotsa hore jwale ekaba pheletso ya taba ee e tla ba efe jwale, mme o labalabela ho tswela pele hore a tle a utlwe sephetho.
Ha ho le jwalo puo ena ya Mojalefa e sitisa hore tharollo e fumanehe kapele (hoja eka Letsema o ne a se a hlotse) - e ntshetsa pele (tebello) qaka e teng.
Ke kgotsofetse hoba tharollo e tlisa tlholo e itseng - tharollo ya qaka e neng e baka tebello paleng; mona ho bonahala Letsema a hlotse hobane Mojalefa o dumetse hore ke nnete 'tsamaiso e dikerekeng tsa kajeno' e feela e fosahetse.
Mojalefa e ne e le moetapele kerekeng, v mme o ne a tlile moo ha Letsema ho tla botsa hore lebaka ke lefe ha Letsema a se a sa tsamaye kereke.
Sehlooho sa palekgutshwe ena se fela se hohela mmadi hoba se hlahisetswe ka tsela ya potso, e ngokang thahasello ho mmadi.
Mokgwa ona oo se behilweng ka ona o hlohlelletsa mmadi hore le yena a ipotse potso e pakang takatso ya ho batla ho tseba tse ka hare - 'ke eng sena seo ho botswang hore se nepahetse'.
Mmaneo ke mophetwa wa tlatsetso paleng ena, mme seabo sa hae ke ho hlohleletsa ditaba; o nka lehlakore le fapaneng le la mophetwa wa sehlooho mme hoo ho etsa hore mophetwa wa sehlooho a tswele pele ho sireletsa ntlhakemo ya hae ya ho re kereke ya kajeno e a fosa paleng.
Mojalefa le yena ke mophetwa wa tlatsetso paleng ena, empa ya hlokehang haholo hoba o na le kamano le taba kapa ona mohopolo o tshohlwang paleng; seabo sa Mojalefa e bonahala e le ho sireletsa ntlhakemo ya kereke paleng - 'na ho nepahetse' hore kereke ya kajeno e tswele pele ka seo e se etsang?
Qalehong ya pale mongodi o qaqisa hantle tikoloho ya hae, mmoho le baphetwa qalehong ya palekgutshwe ena.
Tikoloho e hlahisitsweng e lokela baphetwa ba pale ena; ke motse o moholo, moo ho phelang batho ba bangata mehleng ya kajeno.
Bongata bona mmoho le nako eo ba phelang ho yona ke dintho tse dumellang diphetoho.
Letsema ke motho ya seng a le moholo; ha ho bonolo ho amohela diphetoho tsena.
E tsebahala ka mela e leshome le metso e mene.
E thehilwe hodima kganyetsano.
Mola wa 2 le 6v.
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa.
Moleng wa 10.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang kapa ho beha se kapele le se hlahlamang sejura maemong a lekanang.
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
Ho katla morethetho wa thothokiso hore e be lenama.
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
Ho katla morethetho wa thothokiso hore e be lenama.
O bolela hore o moo ho rekiswang jwala teng/ O tameneng.
Mola 11 le 13v.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
<fn>Sesotho FAL P2 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 20.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka tlhoko pele o qala ho ka araba dipotso.
O se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
O lokela ho araba dipotso tse PEDI feela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka tlhoko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
Araba dipotso tse DING LE TSE DING TSE PEDI.
Thothokiso ya 1 - Di ntle hle!
Sebedisa lenanenetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
O tshwanetse hore o be o arabile dipotso tse PEDI tse tswang dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena.
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Ho botsitswe dipotso tse TSHELETSENG karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.
Diketsahalo tsa bohlale le maqiti tseo baphetwa bana ba kopaneng ka tsona, di hodisa poloto ya pale ena ho tloha qalong ho ya fihlela qetellong ya yona.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Mananyetsa a suthisa sekwahelo sa lebokose, mme a fumana hore ho subetswe dikatana tsa malapi a kgale hammoho le dipampiri tsa kgale.
Ka bohlale ba hae a be a se a qalella: ''Ngwanaka, nna ke ntate lepolesa, ke tlile kwano ka taba e kgolo. Mokotlana oo ke buang ka wona, ntatao o ne a kentse noha e kotsi hampe ka ho wona. Ke a bona o batla letlalo la yona. Jwale noha eo ke ena ka lebokoseng ka mona!'' Ngwana batho a tshoha ha a utlwa tseo.
Jwale he ngwanaka, matha o ile ho bitsa ntatao mane moo o reng o ye teng. O re a phakise ke tla mo emela mona,'' ho realo Mananyetsa.
Hoba Mananyetsa a fumane hore mokotlana wa tjhelete o nyametse, o ile a potlaka a nka leeto la ho ya motseng ofe?
Mananyetsa o ile a thuswa ke eng hore a se be le bothata ba ho ya motseng oo, le ha a ne a qala ho ya teng?
Bolela mofuta wa sepalangwang se ileng sa palangwa ke Mananyetsa ha a fihla seteisheneng sa sebaka seo a neng a ya ho sona.
Hantlentle ke lebaka lefe le neng le mo isa sebakeng seo?
Hlalosa ka ntlha tse HLANO leano leo Mananyetsa a ileng a le etsa ha a fihla sebakeng seo, le ho re hobaneng a ne a le etsa.
Sekgukguni o ne a le kae ha Mananyetsa a etsa ketso e ho POTSO 2.5?
Se ileng sa etsa hore Sekgukguni a qetelle a kgutletse ha hae lapeng ke sefe?
Mabitso a baphetwa a dumellana le diketso tsa paleng ena.
Hoba ba qoqe ka tsohle tseo re seng re di tseba, ho tloha mohla ba kopanang Lekwa, Mananyetsa a re: ''Jwale he wa thaka, ntsha hlooho ya tsie re rolelane.'' Eo a mmiletsa ka phaposing, a ntsha bokgothokgotho, leruo le letala, ba arolelana.
Bolela mookotaba wa pale ena o itshetlehileng ka phethelo ya yona.
Hangata diketsahalo tsa pale di ye di re kumele kamoo tikoloho le nako di nyalanang kateng. Qoqa ka tikoloho le nako tseo mongodi a di kgethetseng pale ena, mme o tshehetse ditaba tsa hao ka dintlha tse utlwahalang tse tswang paleng ena. Ngola ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
O amohetswe ntjhanyana, ke nna mma Lerato, o phetse jwang?
Ka tshwaya ntswe lena 'ntjhanyana' empa ka araba: ''Ke phetse mme, lona le phetse jwang?
Re phetse, kena ka tlong, mme o phuthulohe.
A sheba ka ho Lerato, ''Ratu, etlo le senomaphodi ka sehatsetsing hle.'
A be a se a ntse a eya. A sheba ka ho nna ke se ke ntse ke dutse sofeng e mabotjhobotjho, ''Ke thabile ha o tlile ho tla thabela dijo tsa motshehare le rona.
Ke hlola ke utlwa Lerato a bua ka wena, mme ke ne ke rata ha o ka re etela.
Baphetwa ba ka sehloohong paleng ena ke bomang?
Baphetwa bao o ba boletseng ba amana jwang?
Hlomi o ne a labalabela ho ba eng ha a qeta dithuto tsa hae?
Sebapadi se hlwahlwa sa bolo ya maoto.
Kgeleke khwaereng ya sekolo.
Motho ya ratang ho tjeka.
Mongodi o sebedisitse Tshiu ho re senolela ho hong ka Hlomi. Hlalosa seo a re senolelang sona.
Sesosa sa ntwa dipakeng tsa Tshiu le Hlomi ke sefe?
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla latela.
Hlomi, ke eng ha o itshenyetsa nako le ho ikutlwisa bohloko ka motho eo o bonang hantle hore ha a re letho ka wena, empa o ntse o tseba hore ho na le ba o ratang, ba ka o kgotsofatsang ka hohle'' ke Dineo eo. Lentswe la hae le ne le tletse lerato le botshepehi hoo le ileng la nkama ha bohloko?
Mantswe ana a ne a bua ke mang?
Motho eo o mmoletseng ho POTSO 4.7.1, maikemisetso a hae e ne e le afe ha a ne a thiba Hlomi hore a se lwane?
O ile a etsa eng hore Hlomi a utlwisise maikutlo a hae ka yena?
Ka mora lefu la Lerato, Hlomi o ile a nyala Dineo. Ho ya ka wena, na o bona mongodi a phethetse pale ya hae hantle Hobaneng o realo?
Ha o ne o le Dineo, na o ne o tla dumela ha Hlomi a re o a o nyala Hobaneng?
Ha sekolo sa boHlomi se tla keteka dilemo tse 40, o ile a itlhophisetsa letsatsi leo le leholo. Bolela dintho tse THARO tseo a ileng a di hlophisa.
Hara tsohle tse etsahetseng tsatsing leo, Hlomi o ile a hlahella ka mahetla sehlopheng sa hae. Ke sefe se ikgethang seo a ileng a se etsa mme lekunutu la hae e ne e le lefe?
Ho ya kamoo o bonang, na morero wa Hlomi o ile wa atleha Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Araba ka Nnete kapa ka Mafosi o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka. Lerato o qetetse a amohetse Hlomi hobane a ile a hlola ditlhodisanong.
Maikutlo a hao ke afe tabeng ya hore batswadi ba Lerato, ba meme Hlomi lapeng la bona, ba be ba mo amohele pele a nyala ngwana bona?
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa baphetwa bana ba latelang: Ipapise le dikahare le diketsahalo tsa buka ena.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Banna jwale ba kena mosebetsing hanghang. E mong wa bona a ntsha thipa e tshabehang mme a atamela Chikano, meno a bodileng a a behile lepalapaleng. ''Se tshohe haholo hle weso. Ona e tla ba mosebetsi wa ka pele.'' Monna enwa ya tshwereng thipa a bua a thabile haholo, mme a ntse a supasupa sefubeng sa Chikano. Ao! Chikano wa batho a kena tsietsing e le ka nnete. A itutlatutla e le ha a tetse hore o sa tla phela. Eitse ha Rathipa a re o a inama, Chikano a utlwa eka ntlo e a phatloha ke modumohadi wa sethunya se neng se kgabola motjetje. Jwale Chikano a bona tsela ya hae e yang hae Moreneng e hlaka e bile e otlolohile ka mokgwa o kgahlang. Se neng se mo makatsa torong ena ya hae ke ho bona dihanyata tsena tsa banna di ntse di hobela, di bile di ntse di kokobella fatshe ho etsa mokgibo wa mofuta osele. Chikano a etsa qeto ya hore e tla ba banna bana ba ye ba tantshe ka mokgwa ona pele ba bolaya motho. Le ha ho le jwalo, a makala ha a bona ba kakalla, madi a se a phutsa mebeleng ya bona, mme kelello jwale ya kgutla, a ba a iphumana hore o ntse a phela.
Chikano o ne a le hokae mona moo ditaba tse ka hodimo di neng di etsahalla teng?
Chikano o ne a ilo etsang mona moo a iphumanang a le teng?
E be dikamano tsa mosebetsi tsa Chikano le Zero ke dife Di hlalose?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ebe o nahana hore ke ka baka lang ha mokgatlo wa Bana ba Phiri o ile wa thehwa?
Ditaba tsa lengolo le neng le phethetswe ka mantswe ana: ''E se eka Bana ba Phiri ba ka tsoma ka katleho'' le ne le tswa ho mang mme le ngoletswe mang?
Lebitso la nnete la Sister Ruth ke mang?
Bolela hore ke Nnete kapa ke Mafosi hore mobishopo Biala o ne a na le pelo e bonolo. Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Baphetwa bana ba latelang, ke balwantshi ba toka dinaheng tse hlahellang ka hara pale ya rona ya Sehlekehleke sa Deidro. Kgutsufatsa semelo sa mophetwa ka mong ka ntlha e le NNGWE ho nnetefatsa sena.
Chikano o fihlile hantle motsemoholo wa Namibia, mme a fihlela hoteleng e bitswang...
Sehlekehleke sa Deidro se na le dibopeho tse pedi tse hanyetsanang. Di hlalose ka mantswe a hao.
Mobishopo Biala o ikentse 'phiri ka hara letlalo la nku'. Nnetefatsa sena ka ho lokodisa dintlha tseo o nahanang hore di tiisa taba ena.
Ho ya ka wena na o nahana hore ditaba tsa Sehlekehleke sa Deidro di a kgolweha Tshehetsa karabo ya hao ka mabaka?
Ka mantswe a hao a ko akaretse mookotaba wa pale ena.
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 7 kapa POTSO ya 8.
A ke o qoqe ka tsa bophelo ba lelapa la Motaung pele a fetohela lelapa la hae.
A ko lokodise taba tsa Motaung ka mora hoba a fetohe bothong ha hae.
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse thehilweng tshwantshisong yohle.
Tloha mona. O tla utlwa motho wa lona a ikeme ka leshome le se na motso, a bala ditsuonyana kgoho e eso qhotse, e re ha di hlahella pepeneneng motho wa lona a be a rabaka sa kgoho e batla ho beleha. Nna ke ne ke se ke iteballetse hore sephetho sa lona se a tswa kajeno''.
Mantswe a qotsitsweng a ne a buuwa ke mang ho mang?
Ho bolelwang ha ho thwe 'O bala ditsuonyana kgoho e eso qhotswe?
Qotsong e ka hodimo ho ne ho buuwa ka sephetho sa eng?
Qotsong e ka hodimo, qoholla maelana kapa polelwana e bontshang hore 'motho a se ithorise'.
Bolela mabitso a dibapadi tse PEDI tse ka sehloohong tshwantshisong/terameng ena.
Mongodi o sebedisitse malebaleba afe ho senola le ho bopa semelo sa dibapadi tseo o di boletseng ho POTSO 8.5?
Ho ya ka sebapadi seo o se bonang e le molwantshi terameng ee, mosadi o lokela ho phediswa jwang Fana ka mekgwa e MMEDI e hlalositsweng terameng ena?
A ko hlalose sebopeho seo Motaung a ileng a se bontsha letsatsing la pele ha a qala ho fetohela lelapa la hae. Hlalosa ka dintlha tse THARO.
Ha sefi se pitla, Motaung o ne a se a sa dule lelapeng la hae, o ne a se a dula le mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya terama ee, ke eng e entseng hore Motaung a be bonolo ho motho eo ya neng a se a dula le yena ebile a mo rata?
Ka mora dikgwedi Motaung a dula le motho eo e motjha, motho eo o ile a qala ho korotla. E be mabaka a ho se kgotsofale ha motho eo ke afe Fana ka mabaka a MABEDI feela?
Lebitso la terama ena ke Sefi. Na lebitso lena le dumellana le diketsahalo tsa terama ee Tshehetsa ka lebaka?
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng palekgutshweng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 9 kapa POTSO ya 10.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela. Ela hloko hore dipotso di itshetlehile palekgutsweng yohle, e seng hodima qotso feela.
Mohatsae ya neng a mo tseba ka ha a hlola a ntse a tletleba, ka seo a se bonang se etswa ka kerekeng, a be a se a ema a phutha dijana tsane tse neng di tlisitse senomaphodi le dikuku. ''Ntate Letsema, dintho di fetohile, mme re lokela ho ikamahanya le diphetoho. Ha o ka tadima o tla elellwa hore dikereke tsohle di fetohile, hobaneng ha re lokela ho dula nqa e le nngwe O se ke wa lebala ntate hore re Maafrika a lokelang ho bina jwalo ka Maafrika. Hape ha re bua re lokela ho bua jwalo ka Maafrika. Ha e le Modimo yena, motho e mong le e mong a ka mo sebeletsa le ho mo rorisa ka mokgwa oo a o ratang.'' Ho realo Mojalefa?
Monnamoholo Letsema o ne a thabetse monyetla ona hampe haholo. E ne e se e le nako e telele a jewa ke sena seo a se bonang se etsahala ka kerekeng. Ka mehla o ne a tletleba ho mohatsae ya neng a ke ke a etsa letho. Ha e le mona a fumane monyetla wa ho se bua le e mong wa baetapele ba kereke, a hla a thabela ha mohatsae a ka ba teng ha a...
Le leng la matshwao a palekgutshwe ke 'ho nontsha mohopolo o le mong o totobetseng'. Ebe mohopolo o nontshwang palekgutshweng ee ke ofe?
Diphetoho dikerekeng tsa rona.
Maafrika a lokela ho tsamaisa kereke jwalo ka Maafrika.
Tsamaiso ya kereke ya Tjhatjhe e fetohile.
Le leng hape letshwao la yona ke hore 'palekgutshwe e ba le mophetwa a le mong wa sehlooho, eo diketsahalo di tobanang le yena'. E be mophetwa ya jwalo palekgutshweng ee ke mang?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tseo o di fuweng.
Palekgutshweng ena kgohlano e pakeng tsa le...
Motho le maikutlo a hae.
Motho le maemo.
Motho le motho e mong.
Motho le batho ba bang.
Se etsang hore mmadi a be le thahasello ya ho bala palekgutshwe ena ke sefe?
Mongodi o lokela ho qaqisa 'tikoloho eo pale e thehuweng ho yona' qalehong ya pale ya hae feela. Bolela tikoloho (sebaka) eo ditaba tsa palekgutshwe ena di thehuweng ho yona.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re ke eng hantlentle seo mophetwa wa sehlooho a leng kgahlanong le sona paleng ee?
Sehlohlolo sa pale ena se hlahela moo kgang e kgaohang teng. Ha o diha nyewe paleng ee, o ka re ke mang ya hlotseng ho baphetwa baa ba latelang?
Mojalefa o re, ''ha e le Modimo yena motho e mong le e mong a ka mo sebeletsa le ho mo rorisa ka mokgwa oo a o ratang.'' Hlalosa kamoo mongodi a sebedisang puo ena ya Mojalefa e le malebaleba a ho bopa 'tebello' paleng ena ka teng.
O ka re maikutlo a hlahiswang ke afe, ha o se o badile palekgutshwe ee yohle?
Tharollo e hlahisitsweng paleng ena e etsa hore o ikutlwe o...
Tiisa ka lebaka karabo eo o e nehelaneng ka yona POTSONG ya 10.9.1 ya hao ka hodimo.
Hlalosa lebaka le neng le hlotse/bakile kopano ena ya Mojalefa le Letsema palekgutshweng ena.
Ha ho ngolwa palekgutshwe, sehlooho se lokela ho hohela mmadi. Na o ka re sehlooho see, 'Na ho nepahetse' se a hohela Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ntle le mophetwa wa sehlooho, ho na le baphetwa ba bang ba tlatsetso palekgutshweng. Hlalosa hakgutshwane seabo sa baphetwa ba latelang paleng ena.
Mongodi wa palekgutshwe o lokela ho qaqisa 'tikoloho' e na le seabo paleng ya hae. A ke o hlalose hakgutshwanyane kamoo tikoloho e o thusang ho utlwisisa pale ena kateng.
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tse NNE (POTSO ya 11, POTSO ya 12, POTSO ya 13 le POTSO ya 14) tse botsitsweng karolong ena.
Hopola hore o lokela ho araba dipotso tse PEDI ho tswa dikarolong tse PEDI feela. Ebang o se o arabile dipotso tse pedi dikarolong tse ka hodimo (potso e le nngwe ho KAROLO ya A, le e le nngwe ho KAROLO ya B kapa e le nngwe ho KAROLO ya C), se tswele pele ho araba dipotso karolong ena.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Lesa mohono hle!
Bolela hore thothokiso ena ke ya mofuta ofe.
Matshwao a ikgethang a mofuta ona wa thothokiso ke afe Bolela a MABEDI?
Moleng wa bohlano ho na le lentswe le siilweng. Bokgabo/Sebetsa sena sa bothothokisi moo ho siuweng lentswe le itseng se bitswang mme molemo wa sona ke ofe?
Moleng wa 6 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo. Qoholla mantswe ao a tshwanang ka moelelo.
Kgefutsohare e fumanwa moleng ofe Bohlokwa ba yona ke bofe?
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Jo! Le letsho leru.
Empa ho thusang ho lla.
Thothokiso ena e bua ka eng Bolela hore ke ya mofuta ofe?
Matshwao a tsebahalang a mofuta ona wa thothokiso ke afe Bolela le le LENG?
Qoholla mela e nang le phetapheto ya sebopeho mme o be o bontshe phetapheto eo.
Tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe e fumanwa meleng efe Fana ka lebitso la sebetsa seo sa boroki?
Ha ho na letshwao la ho bala moleng wa 6. Hana sena se bitswang mme molemo wa sona ke ofe thothokisong?
Moleng wa 9 ho na le letshwao la ho bala mahareng a mola. Letshwao leo le bitswang Molemo wa lona ke ofe thothokisong?
Molathothokisong wa 2 ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe?
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
A di amohwe kgale ke kolobe.
Hloko bo hlotse, bo padile.
Ho jewa mamina, Kgaeyane o kae?
O ha mme tshela-se-tlale.
Ka hanong ho tswang?
A ke ke a ba a e pheta.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Phetapheto ya mantswe e tshekaletseng e fumanwa meleng efe?
Fana ka lebitso la sekapuo se sebedisitsweng moleng wa 4.
Tlhokeho ya letshwao la ho bala moleng wa 1, e re bopela sebetsa sefe sa bothothokisi Bolela molemo wa sebetsa sena?
Moleng wa 8 ho na le letshwao la ho bala mahareng a mola. Sena se bitswang thothokisong Molemo wa sona ke ofe Fana ka melemo e MMEDI?
Hlalosa: ''O ha mme tshela-se-tlale'' moleng wa 12.
Lebotsi le fumanwa moleng ofe mme molemo wa lona ke ofe thothokisong?
Phetapheto ya moelelo e fumanwa moleng ofe Qoholla mantswe a MABEDI a re bopelang phetapheto eo ya moelelo?
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Mofuthu wa pelo 'a batswadi paola sebele.
Kgekgeng monatenate mafureng.
Ba nyantseng tswele le sa sisa.
Mofuta ona wa thothokiso o bitswang?
Moleng wa 1 ho na le sejura. Molemo wa sona ke ofe mme sona se bonwa jwang?
Qoholla mela e nang le phetapheto ya mantswe e tshekalletseng. Ke mantswe afe a re bopelang phetapheto eo?
Moleng wa 12 ho na le mantswe ana a latelang: Kgekgeng le mafureng. Mantswe ao a bolelang.
Sekapuo se sebedisitsweng moleng wa 13 se bitswang?
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se sebedisitsweng moleng wa 14 ka lentswe 'Rato'. Molemo wa sebetsa seo ke ofe?
Pheteletso e fumanwa moleng ofe qotsong e ka hodimo?
Lentswe kgorula le bolelang?
<fn>Sesotho FAL P2 Nov 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 22.
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlobuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya D (ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile boemong bo bobe. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng ana a mabedi e leng, DIKAHARE le SEBOPEHO LE PUO. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlobuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
ha mohlahlobuwa a sa hlahisa makgabane/dihlomo/dibetsa ho hang , ha a abelwe letshwao ho hang bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse sehlomo/sebetsa se le 1 a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 2 a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 3 kapa ho feta, a abelwe matshwao a 4 bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse tse makgabane a fetang tse 3, motshwayi a bale karabo kaofela, mme a bontshe ka letshwao () dintlheng karabong yohle moo mohlahlobuwa a fositseng teng motshwayi a bontshe ka letshwao (X).
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng dikahare le tshebediso ya puo. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlobuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwayi a ele hloko hore makgetha ana a mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe(ho ya ka rubriki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
Kutlwisiso ya potso/ sehlooho; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), le kutlwisiso e tebileng ya sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo.
Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fapaneng ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebi-leng ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o ne-helana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme di tshehetswa ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa ku-tlwisiso e kgabane ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefutho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki bo itseng bo supang kutlwisiso ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela e kgotsofatsang le ha e se dintlha tsohle tse utullutsweng ka botlalo.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Dintlha boholo di tsheheditswe le ha bopaki e se bo kgodisang hakaalo ka nako tsohle; ho bonahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Ho etswa boiteko bo mahareng ba ho hlalosa sehlooho; dikarabo tsa hae ke tse tlwaelehileng feela.
Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ya potso; ditaba tsa hae ha di kgodise hakaalo; tshehetso ke e seng kae feela ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki bo supang a se na kutlwisiso ya motheo ya mofuta ona wa sengolwa mmoho le ya potso.
Tshekatsheko e na le kgaello e kgolo; dibakeng tse ding ho na le phetapheto ya dintlha ha tse ding di tswile lekoteng.
Tshekatsheko e bontsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na ee ditlhaloso tse fosahetseng.
Karabo ya hae e tsamaelana hanyane le potso, le ha di sa utlwisisehe kapa di tswile lekoteng.
Tshekatsheko e supa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tse seng kae tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
Ho entswe boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Tse ding tse mma-lwa tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neeletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sebopeho se totobatsa kgokahano e babatsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho.
Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehisa tlhahisong ya moelelo o nepahetseng.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng.
Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa sengolweng se botsitsweng.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selelekeleng, qetelong le dite-maneng tse itseng.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa sengolweng se botsitsweng.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo di hlahella nehelanong di sebedisitswe ka tsela e nepa-hetseng.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo selatetswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae.
Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Sebopeho se bontsha diphoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate-llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahetseng.
Diphoso tsa puo di bonahala ka bongata. Tshebe-diso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosahetseng.
Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme le ditaba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Ha ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho diratswana kapa kgokahano.
Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshekong ya hae. Karabo ya hae ha o ke ke wa utlwisisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele, boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
Mananyetsa le Sekgukguni ba buisana ka ho ya qhekanyetsa mofumahadi wa morena Ramoroko ya sa tswa hlokahala.
Ba rera hore Mananyetsa o tla bolella mohatsa morena hore morena o hlokahetse a e so mo lefe tefo ya pheko.
Ba dumellana ka hore Mananyetsa o tla iphetola ngaka ya methokgo mme Sekgukguni o tla kena ka lebitleng mme e tla re ha ho buisanwa le morena, ebe yena Sekgukuni o arabela a le ka hara lebitla.
Mananyetsa a fela a ya ho mofumahadi le matona ho ya batla tefo ya hae.
Matona a morena Ramoroko ha a tshepe ditaba tseo ba di bolellwang ke Mananyetsa.
Matona mmoho le setjhaba ba hlapanya ka hore ba tla bolaya Mananyetsa ebang ho sa tlo phethahala kamoo a boletseng ka teng.
Taba ena ya bakela Mananyetsa letswalo haholo a ba a ipotsa hore na ebe Sekgukguni o ntse a le ka lebitleng, hape ebe o tla nne a phethise kamoo ba rerileng ka teng.
Mananyetsa o lefuwa tjhelete mme o siya Sekgukguni ka lebitleng.
Sekgukguni o makatswa ke ho se tle ha Mananyetsa ho tla mo ntsha ka lebitleng, mme o tswa ka lebitleng.
O fuputsa ka bohlale motseng hore na ebe Mananyetsa o ile kae.
O fumana mohlala wa Mananyetsa mme o mo sala morao.
O fumana mokotla wa tjhelete moo Mananyetsa a neng a o patile teng, mme o tsamaya ka wona.
Mananyetsa o fumana mokotla wa tjhelete o le siyo moo a neng a o behile teng mme o tlallwa ke naha; a qala ho batlana le wona.
Mananyetsa o fumana mokotlana wa tjhelete hloohong ya Sekgukguni ya neng a kgalehile, mme o tsamaya ka wona.
Sekgukguni o makatswa ke ha a fumana mokotla o le siyo ha a phaphama borokong.
O fumana aterese ya ha Mananyetsa, mme o leba teng.
O fumana Mananyetsa a le siyo mme mosadi le ngwana ba siya Sekgukguni a le mong ba ya ho ya lata Mananyetsa.
Sekgukguni o fumana monyetla wa ho nka mokotla wa tjhelete ebile o leba ha habo Kgauteng.
Mananyetsa le yena ha a fihla ho tswa jwaleng, o lla habohloko ha a fumana hore mokotla wa tjhelete o nkilwe ke monna wa moeti ya sa mo tsebeng.
Borokgong nokeng ya Lekwa.
Boleke ba 'mahe a dinotshi'/boleke/mahe a dinotshi/kgekge/manyepa/makgea.
Ba le leshano.
Ba ne ba le bohlale.
Ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko ka tjhelete eo monna wa hae a neng a sa tswa hlokohala.
Ka hona sehlooho sena se nepahetse mme se loketse ditaba tsena.v Qotsong ena ho hlahiswa banna ba babedi ba tshwanang ka bolotsana le maikemisetso. Banna bana ba 'bohlale' ka ho tshwana mme ba kopanetse nokeng ya Lekwa.
Tjhe, se fosahetse, v sehlooho sena ha se a lokela buka ena hobane baphetwa ba buka ke mamenemene, ba bolotsana ke maqitolo seo ba se etsahang ha se bohlale.
Motshwayi a lekole dikarabo tsa mohlahlobuwa, ela hloko hore ha mohlahlobuwa a sa araba ka e e nepahetse kapa e fosahetse a se fuwe ntlha.
Diponto (Diranta) tse dikete tse mashome a mabedi.
Wa ho phekola/alafa morena Ramoroko ka lemo tse telele. /O ne a 'fodise' morena.
Morero o ile wa atleha.
Mofumahadi le matona a hae ba ile ba dumela mme ba lefa Mananyetsa.
Redientse - Yena le ba bang ba di entse dintho tse mpe tse swabisang.
Hadibonwe - Ha di bonwe tsa hae tse mpe/tse swabisang.
Sekgukguni o ne a qobellwa ke mosadi wa hae ho batla mosebetsi/ Tlala e ne e patetse ha Sekgukgunu ka lapeng, mme mosadi o mo qhoqha ho batla mosebetsi. v Mananyetsa o ne a iphedisa ka ho tsoma ebile e le modisa /O ile a fumana mahe a dinotshi mme a ba meharo.
Qetellong bobedi bona bo iphumana bo susumetswa ke maemo a tsa phedisano ba hloka tjhelete ya ho iphedisa.
Tjhe ha se ntho e nepahetseng.
Motho ya jwalo o lokela ho etsa malebaleba a amohelehileng a ho iphedisa.
E, ke ntho e nepahetseng, hobane mpa ha e kolotwe ka ha motho ha a lapile o lokela ho etsa malebaleba a ho iphedisa.
Hlomi o lora a kopana le Lerato, ha fihla Tshiu, a mamarela Lerato ba tsamaya mmoho.
Ha a tla phaphama, ke ha a ne a hoeletsa Lerato a le borokong.
O kopa Dineo ho mmuella ho Lerato.
Tshiu o sitisa Hlomi, o re Lerato ke wa hae.
Ka nako ya sekolo o ya phaposing ya boLerato, o bolella Puse kamoo a ratang Lerato ka teng.
Hlomi o halefela Tshiu, mme Lerato o ba phoqa bobedi ba bona.
Hlomi o fereha Lerato, mme yena o mo fa mabaka a ho se amohele taba tsa hae.
ha a batle ho sitisa dithuto tsa hae ka marato a masawana, ntatae o bohale, a ka halefa ha a ka tseba hore o kene maratong, ntatae a ka bakela Hlomi ntho eo a ke keng a e lebala.
Lerato la Hlomi le Lerato le ile la thefuleha ha Firi a fihla sekolong sa bona. Hlomi a hlokomela kamoo Firi a ratang Lerato ka teng, a mo kgalema ka thata a ba a qetela a mo otlile a ba a mo ntsha kotsi.
Maikutlo a Hlomi a thefuleha habohloko ka baka la seo, a fellwa ke maqheka le hore a ka etsang.
Hlomi a utlwa bohloko, a lakatsa ho tsebisa batswadi ba Lerato empa a itshwara ka letswalo la hore a ka senya ditaba le ho feta.
Nakong ena Lerato o ne bonahala a sa utlwisise se etsahalang ka yena.
Tharollo ya bothata bona ya eba hore a tsebise batswadi ba Lerato ka dipatlisiso tsa hae mme bona ba letsetsa sepolesa.
E, v ha a ka a thetseha/kukeha/nkeha maikutlo ke lengolo leo a le amohetseng ho tswa ho Dineo.
O tswa naheng ya Ugandav, mme o ne a ruta Dipalo/Mmetse.
E, boholo ba matitjhere bo tlohela mesebetsi ho ya difemeng le ho ipulela dikgwebo. /Matitjhere a Dipalo/Mmetse ha a mangata/a a haella.
Tjhe, mmuso o lokela ho lefa matitjhere tjhelete e bonahalang hore ba se tlohele ho ruta./Mmuso o lokela ho ntlafatsa/kwetlisa maemo a matitjhere.
O re ntatae o bohale, ha a ka utlwa a ka mmolaya/mo etsa ha e. phetwe/ a mmakela mathata.
Ntatae a ka bakela Hlomi ntho eo a ke keng a lebala.
Ha a batle ho sitisa dithuto tsa hae ka marato a masawana.
E, o ne a tseba.
Hlomi o ile makala hore hobaneng ha Dineo a mo ngolla lengolo empa a tseba hore yena (Hlomi) o rata Lerato.
E, v ha o mo rata, o lokela ho mmolella. /ho ya ka tekatekano ha ho phoso ha morwetsana a ipuella ho mohlankana.
Tjhev, moshemane ke yena ya lokelang ho fereha ngwanana.
Sekolo se etsa dilemo tse 40 se thehilwe.
Ha a sa kgathalla ho bua le yena.
O se a mo dumedisa feela, e be o a iphetela.
Ka nako tse ding o mo qoba ka hohlehohle.
A ikwetlisa ka mehla.
A lokisa diaparo tsa letsatsi leo.
A besa/otlolla hlooho (lokisa moriri).
Ho hlola Tshiu le sehlopha sa hae.
Ho hapa maikutlo a Lerato.
E ne e le Moborigadiri wa sepolesa empa o ne a etelletse pele lequlwana la dinokwane le bitswang ka lebitso la Bana ba Phiri.
Ke moetapele wa 'Bana ba Phiri' bao e ne e le batho ba ikentseng baruti ba lentswe la Modimo.
Sena ba ne ba se etsa ka baka la ho lahlisa batho mohlala wa bona.
O ne a bokella maruo le matlotlo a hae ka bonokwane.
O ne a etsa eka o batla ho thusa monghadi Chikano diphuphutsong tsa hae tseo a neng a di etsa.
Nnete ya ditaba ke hore ke yena ya neng a ntse a mo romela dinokwane tse neng di batla ho mmolaya.
O ne a imakaditse ka ho nyamela ha Thakadi empa a tseba hantle hore ke mokgatlo wa hae o mo kwetetseng.
E ne e le senokwane se neng se ikgakantse jwalo ka moruti.
E ne e le Mobishopo wa kereke ya Ilizwi Mission Church mme o ne a etelletse pele dinokwane tse ikentseng baruti ba lentswe la Modimo.
O ne a na le seabo polaong ya batho ba mmalwa mme o ne a le motlotlo ka hoo.
O ile a baleha tjhankaneng ya Leseru moo a neng a kwaletswe ka baka la ho bolaya mosebetsimmoho le yena mme a iphetola sebopeho, tshobotsi le lebitso.
Pele a iphetola moruti, o ne a rata jwala mme ka baka la bona o kile a bolaya kgarebe ya hae.
Ha nako e se e tsamaya Mobishopo Biala o ne a se a sa fetoha sefahlehong le mmeleng feela, empa pelo le kelello ya hae di ne di fetohile haholo.
O ne a hlodiya Ramaqiti ka takatso ya hae ya ho fumana kotlo e boima ka diketso tsa hae tse mpe.
Ke Mobishopo Biala le balatedi ba hae.
O ne a tswa naheng ya Leseru.
O inehetse ka sepheo sa ho rapella phokotso kapa tshwarelo ya dibe tsa hae.
Ke mosebetsi wa ho fetola Sehlekehleke sa Diedro lehaha la mashodu.
Ke lerato la hae la jwala ba sekgowa le ho rata basadi.
O ne a makatswa ke mamati a neng a tsamaya a ntse a ipula empa a sa bone motho ya ntseng a a bula.
Ke Moboriganiri Ramaqiti. v Mosebetsi o moholo wa mokgatlo ona e ne e le ho bolaya le ho etsa mosebetsi wa bobodu setjhabeng.
O ile a iphetola lebitso la Nasala a ipitsa Gabriel Biala. v A iphetola sebopeho le sefahleho. O ne a lokela ho iphetola hobane o ne a balehile tjhankaneng ya Leseru moo a neng a kwaletswe teng ka baka la ho bolaya mosebetsimmoho le yena.
O ne a batla ho ya hlahloba Mobishopo Biala hore na ebe ha ho se tla mmontsha hore ebe ke senokwane kapa tjhe. v Ha a ne a ka elellwa hore ke senokwane o ne a ikemiseditse ho mo anya leleme.
O ile a swabiswa ke ho bona bohalaledi ba Mobishopo Biala le ka moo matshweletshwele a leng motlotlo kateng ka yena.
Raboditse o lefufa, mohono, o hloka tlhompho, ha a bona lelapa la Motaung le phela ka kgotso.
O qala ka ho bolella Motaung hore ho ruta ngwanana ke ho mo rutela baditjhaba, le hore bana ha ba se ba le dikolong tse phahameng ba kena ditabeng tsa marato.
O tsitlallela ho kgelosa Motaung hore e tlameha ho ba yena hlooho, mosadi a utlwe ka yena.
O re basadi ke tlhako tsa pere, ba tshwana le Efa kaofela.
O boduletse moya o mobe ho Motaung ka hore a bue kamoo a ratang kateng le mosadi wa hae.
O se a rutile Motaung ho nwa jwala le ho hlaphola hlooho ka bona ha a tsoha e le boima.
O re, 'moleko o ntshwa ka moleko o mong'.
O boetse o tjhehela Motaung leraba le leng ka hore a ratane le Mmantshele, mosadi wa serathodi, mme morero oo o a phethahala.
O tlamelletsa Motaung ka hore o betile mofumahadi wa hae.
O kgothalletsa Motaung ho bolaisa mosadi phafa. O nyefola mohatsa Motaung mahlong a hae.
O tshela marothodi a sa tsejweng ka kgalaseng eo Motaung a ntseng a enwa jwala ka yona sepheo e le hore a tle a se itsebe ke botahwa.
Ke mosadi ya lefufa, ya mona jwalo ka monna wa hae Raboditse ha a bona lelapa la Motaung e le lelapa le tsitsitseng, leo ho lona ho renang kgotso le bileng le ena le botshepehi le tlhompho.
Bopelompe bona ba Mmankepe bo totiswa ke ho bona Tiisetso a pasitse lengolo la materiki ka dinaledi mme ntatae a batla hore a ntshetse dithuto tsa hae pele yunivesithing.
Mmankepe o susumelletsa monnae, Raboditse ka matla hore a hlohlelletse Motaung hore Tiisetso, moradi wa Motaung a se kgone ho ya yunivesithing.
Mmankepe o fa Motaung botlolo ya biri nako e nngwe le e nngwe eo a fihlang lapeng la bona ka yona ebile a mo qobella ho nwa a potlakile ho tlosa lerole kapa lenyora.
Mmankepe o tlatselletsa monnae ka ho bolella Motaung hore ha a nwa jwala bo babang, mathata a hae le ona a tla fela.
Se emetse lehlakore la bobe. v O atlehile ho seo a neng a batla hore se phethahale ka hore lelapa la Motaung le tjhwatlehile.
Ke Mmantshele v mosebetsi wa hae ke ho rekisa jwala/o na le tamene.
Batho ba dithoto ba qhekanyetswa ke ba bohlale ha bonolo.
Ba a tshwana.
Nku ke motho ya bonolo jwalo ka Motaung, v ha sekere se emetse Mmantshele mme a kuta kapa a ja tjhelete ya Motaung. vv /Nku ke motho ya jewang tjhelete, sekere ke motho ya jang e mong tjhelete.
A/Ho nahana ka thata.
Se botsa ka monna wa hae/Motaung/Kgathatso/ntata Tiisetso.
Motaung/Kgathatso v le Tiisetso.
Ho bonahala Motaung a tahuwe mme o robala ka dieta.
Ho ikisa ho bashanyana/ho ipherehela bashanyana.
Raboditse o atlehile ho senya lelapa la Motaung v hobane Motaung ha a sa sebetsa /o se a dula ha Mmantshele/moradi ha a kgona ho ya Yunivesithing/lepapa le se le sotleha ka baka la hore ha a sa le fepa.
Ho thuba malapa ke ntho e mpe/Bobe ha bo a lokela ho hlola botle.
Se botsa ka monna wa hae/Motaung/Kgathatso.
Motaung/Kgathatso v le Tiisetso.
Le metswalle/le a tshwana/le etsa tse tshwanang.
Ho bonahala Motaung a tahuwe mme o robala ka dieta.
Ho ikisa ho bashanyana/ho ipherehela bashanyana.
Raboditse o atlehile ho senya lelapa la Motaung v hobane Motaung ha a sa sebetsa /o se a dula ha Mmantshele/moradi ha a kgona ho ya Yunivesithing/lepapa le se le sotleha ka baka la hore ha a sa le fepa.
Ho thuba malapa ke ntho e mpe/Bobe ha bo a lokela ho hlola botle./Botahwa bo tjhwatla malapa/O se tshepe motswalle.
Diketsahalo tsa palekgutshwe ena di etsahala motseng o mong o tummeng ka kgauta.
Batho ba batsho (morabe) ba ne ba sa lokoloha ho hang ka ha ba ne ba dula ba tsitsipane ka lebaka la kgethollo eo ba neng ba e fumana ho batho ba basweu (mofuta) e leng mapolesa a Makgowa.
Kgurumbala ke ofisiri e ka sehloohong ya mapolesa e neng e tsitlalletse ho hatella Basotho (batho ba morabe) lebaka e le ho phethisa ditabatabelo tsa baetapele ba mofuta wa habo.
O ne a sa kgathalle hore ba morabe ba utlwa bohloko jwang ke kgethollo le tshotlo eo ba neng ba e etsa ho bona.
Qaka ya kgatello ena e matlafala ha a tswa fumana ditaba kopanong e neng e tshwerwe ke mokomishenara, moo ba bolelletsweng hore ho fumanwe hore ho se ho ena le baetapele ba ntseng ba runya metseng ya ba merabe, bao ho bonahalang hore ba tla ba kotsi nakong e tlang, mme lemulwana leo le ikemiseditse ho diha mmuso.
Baetapele ba batho ba batsho (morabe) ha ba tsejwe hobane ba tshwarela dikopano sephiring, ba tsheheditswe ke dinaha tse ruileng ka tjhelete.
E mong wa dihlwela tsa boKgurumbela o ba tswile ka tlase. Mokhomishenare wa mapolesa o laetse hore ba lwantshane le baetapele bao mmoho le mekgatlo ya bona.
Ba tla sebedisa tau ho ka bolaya le ho harola batho bao.
Mapolesa a tla ya ditseleng tsohle ho ya fuputsa, ba kgarume, ba be ba rohake ebile ba be ba ba tlontlolle.
Ba tla fuputsa le matlo a bona mme ha ba fumana batho ba tjhakileng ba tshwarwe mme ho lekolwe le ditokomane tsa bona tse kgothalletswang ho diha mmuso.
Ba tshwereng dikopanong tse dihang mmuso ba ahlolelwe lefu mme dihlwela tsa bona, tsona ba tla ipolaela tsona ka bobona.
Ba hatellwe ka ho tingwa tjhelete mme ba kgethelwe mosebetsi.
Ba be le baetapele ba mofuta (Makgowa) wa bona dibakeng tsa mesebetsi e menyane le e meholo.
Ba tla nyatsa diketso tseo tsa mapolesa ba tla kenngwa tjhankaneng.
O ne a nwele ho feta tekano/O ne a tahuwe.
Ba ne ba qoqa ka moo mookamedi wa bona a neng a ba tshwere le ho ba sebedisa ka teng mosebetsing.
Ba ne ba tletse moya o mobe o dikaqa/ Ba etswa ke hoba le lefufa le botswa ba ho sebetsa.
Ke Tatolo. v O ile a leka ho elelliswa bomphato ba hae hore ha ba sa etse mosebetsi wa bona e tla ba ba bapala ka mathe, metsi a ntse a le teng.
Ba bang ba ile ba mo tlatsetsa marata.
Ba bang ba ile ba mo thodisa ka ho bina dipina tse mona tse sa tsebisahaleng.
Ke mosadi wa mono thaveneng.
Se neng se makatsa ke hore batho bana ba ne ba tella moetapele wa bona empa mosadi wa jwaleng yena ba a mo tshaba ebile ba a mo hlompha.
O re o na le kgethollo hobane o ne a ba kgalemella ho bina dipina tse sa tsebisahaleng ka puo eo e seng ya bona ya Sesotho.
Ba re ke mpimpi hobane ba ne ba re o thothela mookamedi wa bona ditaba tseo ba di lohothang ka yena.
O ne a sa utlwisise hore ke ka baka la eng bomphato wa hae ba tsohetseng mookamedi matla a fetang le a sefefo.
O ne a sitwa ho utlwisisa hore ke ka baka lang motho e moholo hakaalo a bitswa moshanyana le ke bana ba banyane ho yena.
O ne a sa utlwisise hore ke ka baka la eng ha motho a batla mosebetsi e re ha a se a o fumane a hane ho sebetsa.
O ne a sa utlwisise hore ke ka baka lang ha batho ba morao tjena ba sa tsebe ho emela nnete.
O ne a sa utlwisise hore batho ba ne ba hlolwa ke eng ho emela ditaba tsa bona ka bobona empa ba batla ba ka ba thusang.
Ba ne ba rerile hore ba tla hana ho kena ka kopanong e neng e tshwarwa letsatsi le letsatsi hoseng pele mosebetsi o qala.
Ba ne ba rerile ho kenya mokgatlo wa bana moya hore o tle o eme le bona.
E ne e le methwaela feela ya batho e neng e kene ka kopanong mme boRalehlatsa bona ba ne ba shatile ka ntle ka kwana.
O ne a tshositswe ke hore le batlatsi ba hae ba ne ba eme le batho ba shatileng ka ntle.
Ba ne ba sa batle ho mamela seo Tatolo a neng a leka ho ba hlalosetsa sona.
Ba ne ba hlohlelletswa ke boRalehlatsa hore ba etse jwalo.
Mola wa 8 /Ruri lefu le re nketse metswalle.
Re phomotsev; Hlaahlela/Neeletsano/Lehokela/phetapheto ya mantswe e tshekaletseng. vÂ½ (Nepisa mohlahlobuwa ha a ngotse phetapheto feela).
Mola 13 le 14. v Ho tlamahanya mela ya thothokiso.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso./Ho beha se kapele le se e hlahlamang maemong a lekanang.
Le re bopela tlohelo. v Ho fokotsa bolele ba dinoko tsa lentswe le ho fa lentswe lebatama/sefutho./Ho hatella se bolelwang.
Mola 3 le 4.
Dintja tse ditsebe tse kgolo.
Ke tomatso.v Hobane ekare sethothokisi se a rorisa athe se a phoqa ka sepheo sa ho kgalema.
Motho o qetwa/bolawa ke seo a se ratang.
Ke ho bua ka boitshepo.
Mola wa 5.
Ha ho phapang pakeng tsa ntho e ntle le e mpe.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso/Ho fana ka morethetho/ho katla/kgina morethetho.
Mola 15 /Bakgwenyana ba sala ba hweshetsa sa makau.
Ke batho ba nang le ditlhong.
Lebotsi le fumanwa moleng ona wa 4.
Ke ho hohela maikutlo a mmadi./ Le fetola mmutsi ebe mmutsuwa.
O hlalosa hore motho o robala ka tlasa bethe.
Ho lekalekanya moelelo wa mantswe a tlang pele ho sona le a se latelang.
Ho ba sephoqo.
Ho ikisa ntweng/ho qala ntwa.
Sethothokisi se kgothaletsa batho ho ikitlaetsa le ho ba le seabo ntlheng ya ho lwanela tokoloho ya naha ya bona.
Kodiamalla. v Sethothokisi se hlahisa maikutlo a ho sarelwa/sithabela ka baka la ho lahlehelwa ke eo se mo ratang ka baka la lefu.
Mela: 2 le 3;/ 5 le 6;/ 7, 8 le 9;/ 11 le 12.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
Tlohelo: v ke hobane ha le feletse lentswe lena ke lefatshe mme sehlongwapele se tlohetswe.
Le bolela ho ya ho ile/ ntle le ho kgaotsa/ motjha-o-tjhele/ka ho sa feleng.
Yare ha pula e qala ho na.
Hendiadese. v Mohopolo o le mong (wa mahlomola) o hlahiswa ka mantswe a mabedi a atamelaneng ka moelelo.
<fn>Sesotho FAL P2 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 20.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka tlhoko pele o qala ho ka araba dipotso.
O se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
O lokela ho araba dipotso tse PEDI feela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka tlhoko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
Araba potso E LE NNGWE feela.
Araba potso E LE NNGWE feela.
Araba potso E LE NNGWE feela.
Araba dipotso TSE PEDI feela.
Thothokiso ya 3 - O emetseng?
Sebedisa lenanenetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
O tshwanetse hore o be o arabile dipotso tse PEDI tse tswang dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena.
Ho botsitswe dipotso tse tsheletseng karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka diketsahalo tse lebisang tharahanong ya pale ena, o itshetlehile hodima bohlale le maqheka ao Sekgukguni le Mananyetsa ba neng ba kopane ka ona.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse. Ho teng feela, nna ke ne ke re na ha e le moo nna le wena re bile le hona ho ka qhekanyetsana ka bohlale bo tsotehang hakanakana, na ha o bone hore re ka thusana nthong tse ngata Na ha re ka kopanya kelello tsee tsa rona ra di etsa ngatana e le nngwe, na ha o bone hore re ka iphedisa Na ruri re ke ke ra rua, ka ho tsamaya re qhekanyetsa batho, wena o e bona jwang taba ee, weso?
Jwale o bua jwalo ka monna. Ke rata ha o bua jwalo. O lekile ho nqhekanyetsa ka 'thipa' ya 'kgauta', empa ka baka la hobane ke le bohlale o hlolehile ho ntshwasa. Le nna ke hlolehile ho o tshwasa hobane o batlile o o eba bohlajana.
Jwale tseo ha re di lebale he, di fetile. Taba e setseng e nngwe feela jwale, ha re be ngatanngwe ke pheto. Nka o bolella feela nna hore bophelo bo teng ka mona ka Freisetata. Ha o dumela ho tsamaya le nna ke tla o bula mahlo ka seo ke se nahanang, seo e leng kgale ke se labalabela - mme se tla re putsa.
Bolela mabitso a baphetwa bana ba babedi ba buisanang qotsong e ka hodimo.
Mantswe aa "Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse " a ne a buuwa ke mang ho bona ba le babedi?
Hlalosa se neng se qeta ho etsahala mme se bakileng hore mophetwa eo a bue mantswe ana a qotsitsweng potsong ya 2.2.1 ka hodimo.
Baphetwa baa ba ne ba kopanele tulong efe mohla ba neng ba teana lekgetlo la pele?
Bolela dintho tseo baphetwa bana ba neng ba di tshwere ha ba ne ba kopana jwalo.
Hlahisa ntlha e le nngwe eo o hopolang hore baphetwa bana bao o ba boletseng karabong ya hao e ho 2.1 ba tshwana ka yona. Bolela ntlha e le nngwe o ipapisitse ka semelo sa bona.
Baphetwa baa ba babedi ba ile ba rera ho etsa eng ka kopanelo ka mora hore ba etse setswalle?
Sehlooho see, 'Mahlale a kopane Lekwa' se nepahetse kapa se fosahetse hakae ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ketsahalo e hlahisitsweng qotsong e o sa tswa e bala?
Monna ya bitswang Mananyetsa o ne a ikgakantse jwalo ka eng mohla a neng a ile ho ya qhekella Mofumahadi Ramoroko?
Na banna baa ba ile ba atleha morerong wa bona wa ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ho ya ka wena, o ka hlalosa thehello ee ya baphetwa ba latelang ka ho re eng?
Hlalosa maemo a tsa phedisano a neng a susumetsa baphetwa bana ba babedi ho etsa diketso tsa boqhekanyetsi.
Na ke ntho e nepahetseng hore ha motho a hloka a kene diketsong tsa bonokwane Tshehetsa karabo ya hao?
Mananyetsa o ile a etsa jwang ha a se a fumana hoba molekane wa hae o mo thobetse ka mora ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko?
Kgolong ya pale ena, Hlomi o ne a teane le ditshita tseo a neng a lokela ho etsa mawala a ho ka di hlola.
Hlomi o sebetsa ka thata ho fumana Lerato.
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ka Bakwena ba ntswetse ena thope ke tlamehile ho e rua, le ha ho ka ba jwang. Nke ke ka lahla ditomo le kgale, ha ke mo tlohela o tla nkuwa ke mang Yena a tswa hokae Lerato ke tla mo fumana, mme a ke ke a phonyoha, ke tla mo rata ho ya ho ile. Ke nna eo ka menahano e tiileng. Ka nako eo Diau o ne a se a roballetse pela ka haholo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na lerato la Hlomi ho Lerato ke la nnete Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang o itshetlehile ka diketsahalo tsa buka?
Moshanyana ya neng a tella le ho nyatsa Hlomi ke mang?
Baphetwa baa ba ne ba le sehlopheng sefe?
Mosuwe Kuntiwa o tswa naheng efe mme o ne a ruta thuto efe?
Ho ya ka moo o bonang maemo a ditaba naheng ena, na ho a hlokeha hore ho hirwe matitjhere ho tswa naheng tse ka ntle.
Bolela dintho tse THARO tseo Lerato a hopolang hore di mo sitisa ho utlwisisa ditaba tsa Hlomi.
Ha Dineo a tla ngolla Hlomi lengolo, na o ne a tseba hore o rata Lerato Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang ho tswa paleng?
Se entsweng ke Dineo ho Hlomi e batla e ba tlwaelo ho batjha ba kajeno. Ho ya ka wena na o bona ho nepahetse hore ngwanana a ipherehele moshemane. Hobaneng ha o realo?
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
Matsatsi pele ho mokete ho ne ho se dithuto; e le ditlhophiso, boikwetliso le dintho tse ding tse ngata. Ho ne ho dubakane ruri, batho ba thulana ka dihlooho. Ha e le boLerato bona ka se ke ka ba bona hohang, ha e se Dineo eo ke neng ke kopana le yena kgafetsa, ke bile ke elellwa hore o ne a se a fetohile. O ne a se a sa hlole a kgothalla ho bua le nna ha e se ho ntumedisa feela ebe o a iphetela. Ka ba ka elellwa hore ka dinako tse ding o ne a nqoba ka hohlehohle e le ha a sa rate ha re ka kopana hohang. Tseo kaofela di ne di na le ho hlopha monahano wa ka empa ke di qhelela ka thoko eka ha ho letho.
Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona e ne e le wa eng?
Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona o ne o tlo etsetswa hokae?
Bolela dintho tse THARO tseo Hlomi a di hlokometseng ka Dineo.
Fana ka lebitso la tantshi eo Hlomi a ileng a e ruta ditho tsa sehlopha sa hae.
Hlomi o ne a hlile a itokisitse bakeng sa mokete. Fana ka dintlha tse HLANO ho tshehetsa ntlha ena.
Tlholo ya Hlomi mohlang oo e ne e le ho phethahala ha takatso ya hae. Ke eng seo o hopolang Hlomi a ne a ikemiseditse sona ka ditlhodisano tsa mokete?
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa baphetwa bana ba latelang: Ipapise le dikahare tsa buka ena.
Bala qotso ebe o araba dipotso tse e latelang.
O! O re ke mmolai, Monghadi Chikano, empa le wena o sa tswa bolaya moruti Zambiya - ho etsa mohlala o le mong feela. Ke ntho ya bohlokwa ho o bolella hore jwalo ka wena, le nna ke ne ke rutwe ho bolaya ke bona batho bao o reng ke baetapele. Le nna ke ne ke rupellwe mosebetsing wa ka wa ho tsoma dihlwela hore ekakgona ke bolaye e le ho pholosa bophelo ba ka. Eo he, ke yona mesebetsi ya baetapele ba hao; batho ba tsebang feela hore ba tla etsa hona le hwane empa ba sa tsebe hore dintho tseo ba reng ba tla di etsa, ba tla di qala ka kae, le hona ba di etsetswa ke mang ha e se hona ho susumeletsa batho ba bang dinthong tseo ba sa di batleng ha bona ba ithabisa ka ditjhelete tsa setjhaba.
Ke mang ya neng a bua mantswe a qotsong e ka hodimo?
Hantlentle lebitso la Ruth ke mang?
Ke bomang ba neng ba bitsa sehlekehleke ka lebitso la "Sehlekehleke sa Tumelo".
Chikano o ne a tsamaya le mang nakong eo a ntseng a buisana le motho eo o mmoletseng potsong ya 6.1?
Lebitso leo Moatmirale Makhanda a neng a tsejwa ka lona ke basebetsi le yena ke lefe?
Lebotho la Lengau le ne le le ka tlasa taolo ya mang?
Chikano eo ho buuwang le yena moo, mosebetsi wa hae ke ofe?
Mefokolo e meholo eo Nasala a neng a na le yona semelong sa hae ke efe Bolela e MMEDI?
Ho thwe e meng ya mesebetsi eo Chikano a neng a lokela ho e etsa ke ho fumana moo Thakadi e leng teng. Hantlentle Thakadi ee ke eng?
Ha boChikano ba ntse ba tsamaya ka hara moaho ona oo puisano e etsahalang ka hara wona, ke ketsahalo efe e neng e iketsa e ileng ya mo makatsa haholo?
Hana Ramaqiti o ne a na le sekola sefe mosebetsing wa hae wa bopolesa?
Hantlentle monga mokgatlo o ipitsang 'Bana ba Phiri' e ne e le mang Mosebetsi o moholo wa mokgatlo ona e ne e le ofe?
Ke phetoho efe e kgolokgolo eo Gabriel Biala a ileng a lokela ho feta ho yona ha a fihla Afrikania Hobaneng a ne a lokela ho iphetola jwalo?
Hlalosa lebaka le ileng la susumetsa Chikano ho iketsa e mong wa batho ba neng ba lokela ho kgahlanyetsa mobishopo Biala mohla a neng a fihla naheng ya Bosothonia.
Hlalosa hore ke eng e ileng ya mo swabisa morerong oo wa hae.
O lokela ho araba potso e le NNGWE FEELA karolong ena. Kgetha mme o arabe POTSO ya 7 kapa POTSO ya 8.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa dipapadi tsena tse latelang. Ipapise le diketsahalo tsa terama ena.
Bala puisano ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Tjhe, sekgo se ratlana fatshe ka yona tsela eo Mmankepe a neng a e batla. Ke yena ha se nna. O putlame fatshe Motaung. Dithoto ho ngodilwe ho thwe ke lefa la ba bohlale. O lahlile tsohle tsa hae kajeno, re a tshwana re se mawelana. O mo tshwere a mo kuta mosadi yane wa jwaleng. Ha ke lebale mohla a neng a nteleka Mmantshele eo wa letekatse ha a bona nku ena. Nku ke ya Tselakgopo mme sekere ke sa Phahameng. (A thola motsotswana) Bonnete le nna ke a itshola. Ke madi matsohong ka baka la mosadi, e leng Mmankepe. (A makala) Ke utlwa diqi! Ekare ho na le motho ya tlang kwano. Ebe ke mang ke sa itjella masapo a hlooho, ke buisana le ba fatshe (Ho kena Tiisetso le mmae.) Hao le kena le sa kokota ha ka moo?
Dumela. O kae yena?
Haeba ke tlhapa, le wena.
O mo isitse kae, kapa o rwetse ka yena re tsebe Le babe le le tjena?
O a tseba keng mosadi, batho ha ba e tla malapeng ba sebedisa dintho tse fapaneng.
A mo kena hanong. Rona re tlile ka dieta tse tabohileng ka baka la hao le mosadiao.
Sebapadi se buang mantswe aa "Tjhe, sekgo se ratlane fatshe ka yona tsela eo Mmankepe a neng a e batla " se emetse lehlakore lefe la bophelo ho ya ka tjhadimo ya hao ya botle le bobe Hobaneng ha o realo?
Mosadi eo Motaung a neng a dula le yena ke mang, mme mosebetsi wa hae ke ofe?
Ke sebapadi sefe se susumeditseng hore Motaung a putlame fatshe?
Dithoto ke lefa la ba bohlale.
Re a tshwana re se mawelana.
Motswalle wa sebapadi se reng, "Nku ke ya Tselakgopo, sekere ke sa Phahameng" ke mang?
Polelong e ka masakaneng e ho 8.1.5, 'nku' e tshwantshiswa le eng ha sekere sona se emetse eng?
Ho itjella masapo a hlooho ke ho etsa eng Kgetha karabo e nepahetseng?
Ho nahana ka thata.
Ho ja masapo a tswang nameng.
Ho kokona masapo a hlooho ya nku.
Ho ja masapo a hlooho ya kgomo.
Sebapadi sena seo ho thweng se kena se sa kokota ke mang?
Sebapadi seo o se ngotseng ho 8.1.8 se botsa hore ba mo isitse kae. Ebe se botsa ka mang?
Sebapadi seo o se boletseng ho 8.1.9 se ne se dula motseng ofe?
Bolela lebitso la mohatsa le moradi wa sebapadi seo o se boletseng ho 8.1.8.
Bolela dinoka tse PEDI tseo ho buuwang ka tsona tshwantshisong ena.
Boela o bale qotso e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela.
Tlohela letekatse leo le tsamaye. Tloo re robale re kgaohane le yena etswe o tseba dikgolo. Ke thuto ena ya sekolong sa bona e mo sentseng, ba mo rutile hampe. O se a le molomo o moholo. (Mmatiisetso o a tswa.) Oho! Le a tshwana, le diphathakalle mosebetsing oo. Nna le se ke la ntlhobaetsa ke robetse. Basadi ke tlhako ya pere, ba a tshwana. Bana ba tla robala hokong ya dikgoho, botsikwane bo ba qete. Ba mpontsha hore ha ke tswa le mona ba tswa ka nqena. (A notlela lemati.) Dieta tsena di tla ntshenyetsa nako, ke robala ka tsona.
Motaung o ne a bua le mang le hona eo ho buuwang ka yena ke mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ho re 'le diphatakalle' ho bolelang?
Se etsahalang moo ka Motaung ke sefe ha a re 'Dieta tsena di ntshenyetsa nako '?
O utlwisisa eng ka polelo e reng: 'Ha a ilo iketa le bona, feela a tle a ntlele ka bohlanya, o tla ntseba hantle le mmae'.
Na o bona Raboditse a atlehile ho senya Motaung Hobaneng ha o realo?
Ke thuto efe eo o e fumaneng tshwantshisong ee?
Mohlahlobuwa o lokela ho araba POTSO e le NNGWE FEELA. O lokela ho kgetha pakeng tsa POTSO ya 9 kapa POTSO ya10.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse tla se latela.
O ne a hlenne, melomo ena ya hae e hlephile, a tsweretse mahlo ao bofubedu bona ba ona e neng eka ba a mokoko o nwele mahe. Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong. Ha a tsamaya, o ne a kapeha, eka motho ya thibang dinku tse batlang ho kena mabeleng. Ha a bua, o ne a lepolosa lentswe jwalo ka mokudi ya kulelang lefu. Ka nako e nngwe o ne a ye a bitswe fatshe, a be a mamelle lefatshe nakwana. E re nengneng a eme a leke ho tsamaya.
Fana ka lebitso la motho eo ya hlaloswang ka hodimo qotsong.
Ke ka baka la eng ha mophetwa eo a ne a le ka mokgwa ona?
Se neng se qoqwa thaveneng eo mophetwa eno a ileng a fapohela ho yona ke sefe?
Ke ka baka la eng batho ba neng ba le thaveneng ba neng ba ntsha maikutlo ao o buileng ka ona potsong ya 10.3?
Hara sehlopha se neng se buisana moo thaveneng, ke mang eo o ka reng o ne a na le kelello e phodileng Hobaneng o realo?
Ho ile ha etsahalang ho mophetwa eo o mmoletseng ka hodimo ha a ntse a tshetlehela sehlopha se thaveneng puo Bolela diketsahalo tse PEDI?
Ke mang ya ileng a kgalemela batho bana nakong eo ba ntseng ba etsa lerata mme ke hobaneng ha sena se ne se bonahala se hlile se makatsa haholo?
Ke ka mabaka afe a MABEDI e mong wa bomphato ba sehlopha seo se kgobokaneng thaveneng a ileng a re motho ya neng a leka ho ba tshetlehela puo o na le kgethollo e bile ke mpimpi?
Ke dintho dife tseo mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.5 a ileng a tsamaya a di lohotha ha a le tseleng e lebang hae Fana ka dintlha tse tharo feela?
Bolela diketsahalo tse pedi tse mpe tseo methaka ena e ileng ya rera ho di etsa letsatsing le hlahlamang ha e fihla mosebetsing?
Ke ka mabaka afe a MABEDI ha motsamaisi a ne a hloleha ho bua ka kopanong ya letsatsi le hlahlamang leo ho bileng le kopano ka yona thaveneng?
Bolela hore ke eng tse PEDI tse bakileng hore bana ba sekolo ba furuletse majwe ho mookamedi le mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.6.
Dipotsong tsena tse nne tsa THOTHOKISO (POTSO ya 11, POTSO ya 12, POTSO ya 13 le POTSO ya 14), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe POTSO TSE PEDI feela.
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
Ramautla ya ketolang a siya dithako.
Ruri lefu le re nketse metswalle.
Le bokgelekeng nna ke tswella ho nyehlisa.
Ho benya lerumo, ho kgabola kanono moela.
Re phomotse re ipuela tse monate.
Ho temanathothokiso ya 2 mothofatso e fumanwa moleng ofe?
Ho mola wa 9 ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng?
Tatellano ya mantswe e sebedisitsweng moleng wa 12 ha e a tlwaeleha. Hana re sebedisa lereo lefe thothokisong bakeng sa tatellano ena e sa tlwaelehang ya mantswe?
Ntshetsopele ya mohopolo e hlahelang dipakeng tsa mela ya 19 le 20 e bopilwe ka mantswe afe Sena se bitswa eng thothokisong?
Phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe temanathothokisong ya 4 Molemo wa phetapheto ena ke ofe thothokisong?
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 1 Molemo wa sona ke ofe?
Lentswe 'Siba' moleng wa 10 le re bopela mokgabiso ofe Molemo wa ona ke ofe?
Temathothokisong ya pele ke meleng efe moo re fumanang tshwantshiso/serehello?
Hlalosa hore lentswe lena 'mapaku' moleng wa 6 le bolela eng.
Empa ebe phapang ke efe lona dikgaitsedi?
Ho rona baena le dikgaitsedi, ke thatano.
Bakgwenyana ba sala ba hweshetsa sa makau.
Thothokiso ee ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Sehlooho sa thothokiso ena "Pelo e ja serati" se bolelang?
Qoholla mola o nang le lebotsi temanathothokisong ya 1.
Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3.
Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng ho mola wa 17?
Ho mola wa 10, re fumana sebetsa sefe sa bothothokisi Fana ka molemo wa sona thothokisong?
Lentswe 'Dira' moleng wa 3 le lentswe 'metswalle' moleng wa 4 bobedi a re bopela sehlomo sefe sa boroki?
Tshwantshanyo e fumanwa moleng ofe temaneng ya 3?
Ha thunya se lla se kgabola?
Wena o ahlame ntlong phauphau towe.
O emetseng semaumau towe?
Hantlentle molato keng ntjamme?
Wena o emetseng?
Kapa o emetseng?
Kapa o tla re o emetseng?
Qoholla lentswe leo tlohelo e fumanwang ho lona ho temanathothokiso ya 2.
Lebotsi le fumanwa moleng ofe temanathothokisong ya 1 Bolela molemo wa lona?
Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3.
Moleng wa 14 ho na le tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe.
Qotsa mantswe a totobatsang sena.
Sebetsa sena sa bothothokisi se bitswang.
Kgefutsohare/Sejura se fumanwa moleng ofe temaneng ya 2 Molemo wa sona ke ofe moleng ona ka ho otloloha?
Ho lata ntwa letailana moleng wa 6 ke ho etsa jwang?
Hlalosa ka bokgutshwanyana se bolelwang ke thothokiso ena.
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
Ba tswetse tau, thaka Seeiso, Sebata.
La theoha le kentse lerumo ka kobong.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Bolela hore phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe.
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 5 Molemo wa sona ke ofe?
Ke mokgabiso/bonono bofe bo fumanwang lentsweng lee 'fatshe' moleng wa 9 Hobaneng o realo?
Ke sekapuo sefe se fumanwang meleng ya 10 - 12?
Lentswe 'molebe' moleng wa 8 le bolela eng?
Ka mantswe a hao, hlalosa se bolelwang ke mola wa 10: 'Yare le theoha rothodi la lehodimo'.
Ke mokgabisopuo ofe o fumanwang moleng wa 7 Molemo wa ona ke ofe?
<fn>Sesotho FAL P3 Feb-March 2009 Memo -.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 15.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (ya A: Moqoqo, ya B: Tema ya kgokahano e telele le ya C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Mmino wa kajeno. Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore (Discursive) Mohlahlobuwa o lekola mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsenang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe. Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya ditaba (moqoqo) tsa hae, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha ho ntse ho ngolwa moqoqo.
Lehlakore le opileng kgomo lenaka ke le reng. Moqoqo wa ngangisano (Argumentative) Mofuta ona wa moqoqo mohlahlabuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng. O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae. Moqoqo ona ke o kgethang lehlakore oo ho ona mongodi a lekang ho hlohloletsa mmadi hore a dumellane ntlhakemong ya hae.
Maemo le matla bothong ba rona. Moqoqo wa boimamelo/tebisa maikutlo (Reflective) Moqoqo wa boimamelo mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae.
Moqoqo wa tlhaloso mongodi o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng jwalo ka yena (mongodi).
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Boroutjhara Ena ke tlhahisoleseding e sebedisetswang ho bapatsa sebaka, sehlahiswa kapa tshebeletso e itseng.
Lebitso la sebaka/sehlahiswa/tshebeletso le lokela ho hlaka.
Sebaka moo sebapatswa se fumanehang teng.
Ditshebeletso tse fumanehang sebakeng se bapatswang di lokela ho totobala.
Nomoro ya mohala wa motho ya ka fanang ka tlhahisoleseding e batsi.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Tlaleho/pehelo/raporoto Dikahare di lokela ho utlwahala hore di bolela ka se bonweng.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Dintlha tsa bohlokwa di hlake.
Molaetsa o totobale e be wa nnete, o nyallane le se tlalehwang.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Mohlahlobuwa a ingole e le yena kapa e le motho e mong.
Diketsahalo e be tsa matsatsi a mahlano.
Matsatsi ao diketsahalo di etsahetseng ka wona a lokela ho ngolwa pele ho diketsahalo.
Diketsehalo di bontshe maikutlo, mehopolo, meralo, diqeto le kameho ya maikutlo a mohlahlobuwa.
Puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng.
Dipolelo di kgutshwane, mme di utlwahale.
Posekarete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Ditaba di hohele mmadi.
Mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Letsatsi le sebaka di hlake.
Ditaba tsa mohlahlobuwa di hlake mme di tobe taba.
Puo e be e hlwekileng e bileng e nepahetseng, e ele hloko moamohedi wa ditaba.
Molaetsa o lokela ho ba mokgutshwane, mme o phethahale.
<fn>Sesotho FAL P3 Feb-March 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 9.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
mantswe a 80 - 100.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Baithuti ba fumantshwa menyetla ya ho nkamaeto a thuto le a dipapadi dikolong. Sena se ba fumantsha tsebo le bokgoni bo hlokehang thutong. Matitjhere a iteka ho ba etsetsa menyetla ena le ha boitshwaro boo re bo bonang bo etswa ke ba bang ba baithuti ha ba nkile maeto e le bo hlabisang ditlhong ruri! A ke o ngole moqoqo oo ho wona o phetang ka seo o kileng wa se utlwela kapa wa se bona se etswa ke baithuti ha ba etile. Sehlooho e be sena: Bona boitshwaro e ne e se bo jesang ditheohelang!
Mmino ke tsela eo batho ba ithabisang, ba bontshang lerato, ba hlahisang kapa ba ithobang maikutlo ebile ba rapela ka yona. Athe ka lehlakoreng le leng ho ntse ho na le mmino o hlohlontshang ditsebe o bileng o tsamaisanang le metantsho e sa yeng ka tsela. A ko ngole moqoqo oo ka wona o pepesang dintle le dimpe tsa mmino wa kajeno. Sehlooho sa moqoqo e be: Mmino wa kajeno.
Baahi Afrika Borwa ba reka makoloi tsatsi le tjhabang le le dikelang. Ketso ena e susumeditse ba lefapha la dipalangwang ho tla ka leano le ka rarollang tshubuhlellano e teng mebileng ya naha. Leano leo ke le sisinyang hore bapalami ba makoloi ba lebang tulong e le nngwe ba tsamaye mmoho ka koloi e le nngwe. Batho ba bang ba re mohopolo oo lefapha lena le o sisintseng o ka rarolla mathata a mangata athe ba bang bona ba hanana le mohopolo oo. Wena maikutlo a hao ke afe mabapi le tshisinyo ee A ke o ngole moqoqo oo ho wona o tshehetsang lehlakore leo o dumellanang le lona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Lehlakore le opileng kgomo lenaka ke le reng..?
Ha ngata maemo le matla di fetola botho ba batho ba bangata. Motho e mong ha a okametse batho o hle a fetohe mme a tshware bao a ba okametseng ka tsela e makatsang eo ba neng ba sa mo tsebe ka yona pele. Sena re se bona dikolong, dikerekeng, dipapading le mesebetsing. Na maemo le matla di lokela ho fetola botho ba motho A ke o ngole moqoqo oo ho wona o nehelanang ka maikutlo a hao ntlheng ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Maemo le matla bothong ba rona?
Bophelong re ithuta ka ho etsa diphoso. Ha re etsa diphoso re lokela ho kgalengwa le ho tataiswa ka tshwanelo. Ka nako e nngwe batswadi ba bang ba etsa diphoso ha ba kgalema le ho tataisa bana ba bona; ba ka ba etsetsa lerata le ho se ba fe sebaka sa ho itlhalosa. Sena se baka ho se utlwisisane pakeng tsa batswadi le bana. Ka nako e nngwe ho etsa hore bana ba etse diketso tse sa amoheleheng mme ka mora moo ho fumanehe bobedi batswadi le bana ba ikwahlaya. Wena o bona batswadi ba lokela ho kgalema le ho tataisa bana ka tsela efe Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka moo wena o bonang batswadi ba lokela ho kgalema le ho tataisa bana ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be: Kgalemo le tataiso baneng?
Kgetha e le nngwe ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo.
Ho sa tswa bulwa sebaka sa boithabiso moo bana, batjha le batho ba baholo ba ka etelang ho ya roba monakedi matsatsing a phomolo teng. Jwalo ka mosebeletsi wa mmasepala o filwe mosebetsi wa ho tsebahatsa sebaka sena. Ngola boroutjhara moo o phatlalatsang le ho tsebahatsa sebaka sena le ditshebeletso tse fumanwang ho sona.
Ho na le batho ba ratang ho lahlela matlakala sebakeng se pela sekolo seo o kenang ho sona. Ba lahlela matlakala a mefuta e fapaneng mme ka nako tse ding a a bola a etse monko o mobe o hahlamelang baahi ba haufi le moo ha bohloko. Sekolo sa heno se lekile ho hlwekisa sebaka sena le ho beha tsebiso e hlokomedisang setjhaba ho se lahlele matlakala moo, empa ho tshwana feela. Ngolla motsamaisi wa dibaka tsa boithabiso mmasepaleng wa heno lengolo o tletlebe o be o etse ditshitsinyo tse itseng mabapi le se ka etswang ho thibela bohlaswa bona.
O moemedi wa baithuti sekolong sa heno. Sekolo sa heno se ne se nkile leeto mme ho bile le diketsahalo tse sa thabiseng nakong ya leeto leo. Lekgotla la tsamaiso la sekolo le o laetse hore o le etsetse tlaleho mabapi le se etsahetseng. Ngola raporoto e totobatsang tsohle tse ileng tsa etsahala leetong leo.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Sebedisa dihlooho tseo ho nehelanweng ka tsona.
Sehlopha sa lona se ne se ile ditlhodisanong tsa mmino tsa matsatsi a mahlano Motsekapa. Matsatsing ao a mahlano ho etsahetse diketsahalo tse ngata tseo o sa lakatseng ho ka di lebala. Ngola dayari/bukatsatsi ya matsatsi a mahlano eo ho yona o ngolang ka ketsahalo tseo.
Motswalle wa hao o rerile ho etsa mokete wa letsatsi la hae la tswalo kgweding e tlang. O o memme empa o se o ntse o bona hore o ke ke wa kgona ho finyella ka mabaka ao o sitwang ho a qoba. Sena se ka nna sa mo tshwara ha bohloko. Mo ngolle posekarete eo ka yona o mo tsebisang mabaka a tlang ho o thibela ho ba teng moketeng oo, o be o mo lakaletse mahlohonolo a letsatsi la tswalo.
Batswadi ba hao ba o kopile ho ba ngolla karete ya memo moo ba memelang motswalle wa bona lenyalong la kgaitsedi ya hao e tlang ho nyalwa haufinyana. Ngola karete eo mme o hlahise dintlha tsohle tsa bohlokwa tse lokelang ho hlahella memong eo.
<fn>Sesotho FAL P3 Feb-March 2010 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 14.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwa-rellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se seka-sekwa ka botlalo le ka ho phethahala.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang.
Bopaki ke bo hlakileng ba hore moralo ke lebisang tlhahisong ya moqoqo o babatse-hang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se seka-sekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo.
Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka bokga-bane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwa-rellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotso-fatsang.
Mohlahlobuwa o bontsha kutlwisiso ya boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e amohelehileng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Dintlha tse tshehe-tsatng ke tse haella-ng, tse kgodisang hanyenyane feela, mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Sehlooho se seka-sekwa le ho phutho-llwa ka bokgoni bo haellang haholo.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mofuta wa tema e lokelang ho hlahiswa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata bo boholo.
Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Bopaki ke bo haellang haholo ba hore moralo o ka lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e lokela-ng ho hlahiswa di haella haholo.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Selelekela le qetelo tse babatsehang haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Bolelele ke bo nepa-hetseng.
Ha ho diphoso mope-letong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dume-llanang le mosebetsi.
Bolelele ke bo nepa-hetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebe-diso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maike-misetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e ntle haholo.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgo-ni bo kgotsofatsang.
Bopaki ke bo kgotso-fatsang ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse mai-kemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e kgotsofatsang.
Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Bopaki bo seng bokae ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejise-tara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e amohelehileng.
Diratswana tse hae-llang tse batlang di hloka kgokahano.
O batla o le molelele/ mokgutshwane.
matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Bopaki bo a fokola ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, ba-amohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e haellang haholo.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e foko-lang haholo.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Ha ho bopaki kapa ke bo haellang haholo ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo. Ho boima ho e utlwisisa.
Nehelano e fokolang haholo.
SEBOPEHO: popeho ya diratswana; selelekela, qetelo le bolelele bo hlokehang/loketseng.
Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle.
nang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano.
Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang.
O batla o le molelele/ mokgutshwane.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo.
O molelele/ mokgutshwane haholo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlha kemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Hobaneng batho ba bang ba sa ingodisetse dikgetho?
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwhalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa ona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha mohlahlobuwa a ntse a ngola moqoqo.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e baba-tsehang.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore mora-lo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phetha-hetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ha-holo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hla-kileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho- polo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahi-song ya tema e bopilweng ka tsela e amohe-lehileng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e foko-lang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phetha-hetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho loki-sa diphoso.
Nehelano e babatse-hang.
Tshebediso e ntle ha-holo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefu-tafuta e batsi le dibope-ho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e leko-tswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se setle haholo.
Nehelano e ntle ha-holo.
Tshebediso e ntle ya tlo-tlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibo-peho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di se-bedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka di-phoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se setle.
Nehelano e ntle.
Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bo-ntshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo se-bedisitswe ka tsela e kgo-tsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Tema e ntse e na le dipho-so tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le se-taele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Tema e ntse e na le di-phoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Nehelano e kgotso-fatsang.
Tshebediso e ha-ellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo ha-ellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Diphoso tsa mope-leto di ngata; ma-tshwao a puo a sebe-diswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Sehlahiswa se phe-thetsweng se baleha ha boima.
Nehelano e hae-llang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se baleha ha boima.
Nehelano e fokolang.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
Sebui se lelekele ditaba ka ho fumantshwa monyetla wa ho tla tshetleha puo.
Puo e sebediswang e lokela ho hlweka mme e be e nepahetseng.
Lebitso la mokgatlo o memelang batho kopanong le lokela ho hlahella.
Letsatsi leo kopano e tlang ho tshwanwa ka lona le sebaka moo le tlang ho kopanela teng.
Nako eo kopano e tlang ho tshwanwa ka yona.
Lenanetsamaiso la kopano.
Lebitso le dinomoro tsa mongodi tsa mohala qetelong ya tsebiso.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e baba-tsehang.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore mora-lo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phetha-hetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Popeho ya tema ke babatsehang.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ha-holo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Popeho ya tema ke kgabane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hla-kileng boholo ba nako.
Popeho ya tema ke e ntle.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho- polo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahi-song ya tema e bopilweng ka tsela e amohe-lehileng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Popeho ya tema ke e mahareng feela.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Popeho ya tema ke e haellang.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e foko-lang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phetha-hetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwa-rellang mme tse bopi-lweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, ma-ikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang.
Tshebediso e ntle ha-holo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodi-sang haholo, tse tshware-llang mme tse bopi-lweng ka boiqapelo.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, ma-ikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Tshebediso e ntle ya tlo-tlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibo-peho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di se-bedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Tshebediso e kgotsofatsa-ng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo sebe-disitswe ka tsela e kgotso-fatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgo-disang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgo-kahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibo-peho tsa dipolelo tse tlwa-elehileng.
Rejisetara, sehalo le se-taele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amo-helehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Tshebediso e ha-ella ng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haella-ng, o sebedisa dipo-lelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya ma-ntswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, se-halo le setaele tse loke-tseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Puo e be e hohelang, e susumeletsang mmadi ho reka se bapatswang.
Mohlahlobuwa a sebedise kapa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Papatso e tobane le batho bao e lebisitsweng ho bona.
mohlahlobuwa a ingole e le yena kapa e le motho e mong diketsahalo e be tsa matsatsi a mahlano matsatsi ao diketsahalo di etsahetseng ka wona a lokela ho ngolwa pele ho diketsahalo diketsehalo di bontshe maikutlo, mehopolo, meralo, diqeto le kameho ya maikutlo a mohlahlobuwa puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng dipolelo di kgutshwane, mme di utlwahale.
Posekarete posekarete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang posekarete e lokela ho ba le aterese e yang ho ya ngollwang.
<fn>Sesotho FAL P3 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 8.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO YA A, metsotso e 40 a araba KAROLO YA B le metsotso e 30 a araba KAROLO YA C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a boletsweng ka hodimo.
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 250 ho isa ho 300.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Ditsebi di re kajeno batjha ba bangata ba iphumana ba le tlasa kgatello e kgolo ya metswalle. Di re ena ke kgatello ya ho thabisa metswalle ka ho etsa dintho tse sa amoheleheng setjhabeng. Di boela di re sesosa sa kgatello ena ke ho hloka boikemelo batjheng ba bangata. Wena o reng Na o dumellana le maikutlo ana a ditsebi Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang kapa o hananang le maikutlo ana a ditsebi. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Kgatello ya metswalle e bakwa ke ho hloka boikemelo batjheng?
Mehleng ena ya demokerasi, basadi ba bangata ke mehlala e metle hara setjhaba. Mesebetsing ya bona ya maemo a hodimo, ba hlahelletse ka mahetla mme e bile ha ba a itjheba bobona feela. Ba boetse ba shebane le ditlhoko tsa setjhaba ka kakaretso. Ako ngole moqoqo oo ho wona o re phetelang ka mosadi eo e leng mohlala o motle setjhabeng sa heno. Sehloho sa moqoqo e be: Mosadi eo e leng mohlala o motle setjhabeng sa heso.
O ne o le e mong wa ba sa kang ba kgolwa mahlo a bona, ha le bona mofetakatsela ya sebete a pholosa bophelo ba motho. Motho eo o ne a kgabelletswe ka tlong ke mollo o neng o ruthutha ntlo ya hae. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ketsahalo eo e nyarosang ka botlalo. Sehlooho sa moqoqo e be: Ha e ne e se ka mofetakatsela, monna eo a ka be a sa phele kajeno.
Baahi ba bangata naheng ena ya rona, ba itahletse ka setotswana ho ingodisetsa dikgetho tse tla tshwarwa haufinyane selemong sena. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho e na le ba sa ingodisetseng dikgetho. E be mabaka a bona a ho se ingodisetse dikgetho ke afe Ngola moqoqo oo ho wona o hlahisang maikutlo a hao ka ho se ingodise hona ha bona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Hobaneng batho ba bang ba sa ingodisetse dikgetho?
Bophelo ba kajeno bo potlakile mme e bile hape bo na le menyetla e thibang letsatsi. Ena ke menyetla e kang ho bokella tjhelete kapele, ho palama makoloi a matle le hona ho apara diaparo tse ntle tsa dileibole tsa mose ho mawatle. Ka mabaka a kang ana, batjha ba bang ba nyahlatsa sekolo e le ha ba habile menate le dintle tse kang tsena. Ka lehlohonolo kapa ka bomadimabe, ba bang ba a atleha athe ba bang bona ba teha kalala. Ngola moqoqo oo ho wona o bontshang botle le bobe ba ho tatela ho tswa sekolo. Sehlooho sa hao e be: Botle le bobe ba ho tatela ho tswa/tlohela sekolo.
Kgetha e le NNGWE ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona.
Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo ba mantswe a 120 ho isa ho a 150.
Ela hloko: Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho hlaola diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
O sa tswa reka phahlo ya ntlo ka akhaonto lebenkeleng la fenetjhara. O teane le mathata a entseng hore o be o tlodise kgwedi o sa lefe. Ngolla mookamedi wa lebenkele leo lengolo, o mo hlalosetse mabaka a entseng hore o hlolehe ho lefa.
O ikutlwa o le motlotlo ha o tsebisitswe hore ke wena mohlodi wa phehisano ya saense eo o neng o e kenetse selemong se fetileng. Ba khampani e neng e hlophisitse phehisano eo, ba rometse motho ho ya o lata sekolong ka koloi hore a o ise tulong eo ho tla tshwarelwa moketjana wa kabo ya dikgau le dimpho ho yona. Ka bomadimabe le thulane le mathata a ho nkelwa koloi ka mahahapa tseleng. Ka hoo le hlolehile ho ya finyella moo. Ngolla ba khampani eo tlaleho/raporoto eo ho yona o hlalosang se ileng sa etsahala tsatsing leo.
E mong wa dibapadi tsa sehlopha sa lona o hlokahalletse kotsing ya koloi le tswa tlhodisanong Bohlokong. O lokela ho itokisetsa ho ya fana ka puo letsatsing la lepato la hae ka ha o le mokapotene wa sehlopha seo. Ngola puo eo o tlang ho e tshetleha mohla phupu.
O mongodi foramong ya sepolesa sa motse wa heno. Motseng ona wa heno, ho se ho tsohile diketsahalo tse ntjha tsa botlokotsebe le ho tjhwatlwa matlong. Ngolla ditho tsa komiti o di memele kopanong ya komiti moo le tla tshohla dintlha tsena. Memo eo e be le lenanetaba/ajenda.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Sebedisa dihlooho tseo ho nehelanweng ka tsona.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho hlaola diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
E se e le nako jwale ntatao a iketseditse kgwebo ya ho sebetsa ka lepolanka. Ntatao o kenyetsa batho diraka tsa leboteng tsa kitjhini, diotoropo le disiling. Jwale o batla ho mo thusa hore kgwebo ena ya hae e tsebahale, e be e hole. Etsa/ngola papatso e tla hohela bareki ho tla kgwebong ena ya ntatao.
Sekolong sa heno o modulasetulo wa mokgatlo wa Rata Bophelo. Mokgatlong ona le thusa batjha ka dikeletso le dikgothatso malebana le ho ithata, ho ithlokomela le ho rata bophelo ka kakaretso. Le ne le memetswe kopanong ya mekgatlo ya batjha kwana Pretoria. Kopanong ena ya matsatsi a mararo, o kgutlile o bulehile mahlo ditabeng tse ngata tse amang maphelo a batjha. Ngola diketsahalo tseo tsa matsatsi a mararo ka tatelano dayaring ya hao, mme o be o hlalose kamoo o bulehileng mahlo kateng.
Rakgadi wa hao o tswile sepetlele moo a neng a ile oporeisheneng. Enwa rakgadiao ke motho eo o mo utlwisisang mme e bile o mo rata haholo hobane ke yena ya le hodisitseng wena le bana beno. Mo ngolle posekarete eo ho yona o mo kgothatsang le ho mo lakaletsa bophelo bo botle.
<fn>Sesotho FAL P3 Nov 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 8.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Shebisisa setshwantsho sena se nang le dikarolwana tse tharo mme o bale ditaba tse di latelang hore o tle o kgone ho araba potso.
E ne e le sebaka se setle haholo, se kgathollang motho ha o se sheba feela. Phomolo ya rona ya fela ya eba e monate, e kgathollang jwalo ka ha motho o ka nahana ha o bua ka sebaka sena. Wena le ba lelapa la heno le ne le nkile leeto ho ya phomola sebakeng se batlang se tshwana le se setshwantshong se ka hodimo. Ngola moqoqo oo ho wona o re hlalosetsang ka tsohle tse etsahetseng le dibaka tseo le di etetseng ha le ne le le moo.
Matsatsi a phomolo le ba lelapa la heso.
Baithuti ba bangata ba itlosa bodutu ka ho bala dibuka. Sena se ba thusa ka ho iphumanela tsebo ka diketsahalo tse etsahalang lefatsheng ka bophara. A ko re phetele he ka pale eo o kileng wa e bala mme wa iphumanela tsebo le maele ka diketsahalo tseo o di badileng.
Pale eo ke e ratileng.
Lefapha la Naha la Tikoloho le Bohahlaodi le sebetsa ka thata ho boloka le ho hlokomela tlhaho naheng ena. Ka ho etsa seo, menyetla ya kgolo ya moruo e ba mengata. Ka bomadimabe, batho ba tjhesa hlaha moo diphoofolo tse hlaha di phelang teng, ba silafatsa metsi ka ho lahlela dikgwerekgwere dibakeng tse ding. Hlahisa maikutlo a hao ka taba ena ka ho sebedisa sehlooho sena: Paballo ya tlhaho Afrika Borwa.
Bomasepala ba bangata Afrika Borwa ba tobane le bothata ba baahi ba sa batleng ho phethisa ditshwanelo le boikarabelo ba bona jwalo ka baahi. Qaka ke ho re ba bang ba baahi ha ba batle ho lefella ditshebeletso tse kang phepelo ya motlakase. Masepala wa heno a ke ke a kgona ho tswela pele ho nehelana ka tshebeletso ya motlakase ha baahi ba bang ba o sebedisa feela ba sa o lefe kapa ba o hokela ntle le molao kapa ba o utswa. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang mehato e ka nkuwang le ho latelwa ho kgothaletsa le ho tlama baahi ba motse wa heno ho phethisa boikarabelo ba bona - ho lefella motlakase oo ba o sebedisang.
Modulasetulo wa mokgatlo wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti o hlahisa maikutlo a ho re tsohle di ka tsamaiswa ka boqhetseke le ka bohlwahlwa ha moithuti wa mme e ka ba mopresidente wa sekolo. Hlalosa maikutlo a hao moo o tshehetsang le ho hanana ka tlhahiso ena. Ela hloko ho fana ka mahlakore ka bobedi.
Kgetha tema e le NNGWE ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo.
Matsatsing a jwale ho fumana mosebetsi ho boima. O pasitse lengolo la hao la B. Com Yunivesithing ya Afrika Borwa (UNISA) ka selemo sa 2000. O kile wa sebeletsa dikhampane tse mmalwa nakong ya dilemo tse hlano nakwana. O fumane mosebetsi khampaneng e nngwe e kgolo Johannesburg. O lokela ho romella boitsebiso ka wena (CV) khampaneng eo. Ngola boitsebiso ka wena (CV). Hlokomela hore ha o ngola boitsebiso ka wena, o lokela ho ngola dintlha kaofela ho tloha ha o pasa Kereiti ya 12.
Ngolla mosuwehlooho wa hao lengolo la semmuso moo o mo hlalosetsang ka bohlaswa bo bileng teng moketeng wa lona wa materiki wa ho qetela sekolong sa heno. Moketjaneng oo, ho na le moithuti e mong ya ileng a hlajwa ka thipa ke e mong wa baithuti. Wena jwalo ka mopreisdente wa Kemedi ya Lekgotla la Baithuti (LRC) o lokela ho tsebisa mosuwehlooho le Lekgotla la Kemedi ya Batswadi la Tsamaiso ya Sekolo (SGB) se etsahetseng. (Se lebale dintlha tsohle tsa bohlokwa).
Metsi ke sehlahiswa sa tlhaho mme batho ba na le tokelo ya ho a fumana. Metsi a bohlokwa mme re lokela ho a sebedisa ka tshwanelo. Letona le re selemo le selemo, ho lefellwa metsi tjhelete e kaalo ka R3 billione. Na batho ba lokela ho lefella metsi Wena o reng E be tharollo ke efe Ngola puisano moo o qoqang le motswalle wa hao ka pharela ena. Sebedisa mabitso ana: 'Tello' le 'Thuto', o ntse o sa lebale hore Mosotho o ye a re: bitsolebe ke seromo?
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele ebe mantswe a 80 - 100.
Batho ba bangata ba atisa ho etela provenseng ya KwaZulu-Natal bakeng sa ho ya phomola nakong ya Keresemese. O ne o le Umhlanga mme o lokela ho ya Umfolozi Game Reserve. Hlalosa ka botlalo tsela e kgolo ya N2 eo o tla tsamaya ka yona le dibaka tseo o lokelang ho di feta. Tadimisisa mmapa oo o fuweng o bontshang lebopong le ka Leboya la KZN mme o hlalose o ipapisitse ka wona. Ela hloko tsela eo khampase e beilweng ka yona.
Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo o sepetlele kamora ho ameha kotsing e mpe ya koloi. O amohetswe sepetlele nakong eo ditlhahlobo tsa materiki di neng di qala. O kgathatsehile hobane a ke ke a kgona ho ngola ditlhahlobo lemong sena. Mo ngolle karete o mo kgothatse.
Sekolo sa heno se ne se nkile leeto ho leba sebakeng se itseng (inahanele tulo efe kapa efe eo le kileng la e etela) nakong ya matsatsi a mahlano. Le wena o ne tsamaile ka sekolo. Ngola ditaba tsa leeto leo dayaring/bukatsatsing mme o phete ka diketsahalo tse etsahetseng tseo di o sisintseng kapa di o hapilengmaikutlo matsatsi ao a mahlano.
<fn>Sesotho FAL P3 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 9.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO ya A, metsotso e 40 KAROLONG ya B le metsotso e 30 a araba KAROLO ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a boletsweng ka tlase. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 250 ho isa ho 300.
Mokgatlo wa baithuti wa naha o hlophisitse kopano e kgolo Thekenikhonong ya Tshwane. Sebui sa bohlokwa ke Letona la Thuto. Le lokela ho tloha le le baemedi ba profensi ya lona. Tseleng sepalangwang sa lona se ile sa ba le bothata. Ka baka la bothata boo ha le a ka la finyella kopanong eo. Ngola moqoqo oo ka wona o phetang se ileng sa le hlahela leetong leo la lona. Sehlooho e be: Ra tla ra phoqwa ke koloi.
Matsatsing a kajeno batho ba na le mekgatlo ya ho boloka tjhelete kgwedi le kgwedi. Ha selemo se fela ba arolelana tjhelete eo e le ho tla phetha merero ya bona e fapaneng. Ba bang bona ba e bolokela ho lefella bana ba bona dikolong ha selemo se setjha se qala. O motshwaramatlotlo mokgatlong wa lona. Letsatsing la maobane le ile la ntsha tjhelete bankeng eo le lokelang ho e arolelana. Ditho tsa mokgatlo di lebelletse hore o tlo ba abela yona empa ka bomadimabe o fihlile ho bona o tabohetswe o le moputswa, hobane o ne o ile wa tshwarwa poho ke dikebekwa. Di ile tsa o nkela tjhelete kaofela. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang tsohle tse etsahetseng letsatsing leo. Sehlooho sa moqoqo e be: Leo letsatsi nke ke ka le lebala le kgale.
Molao wa motheo wa Afrika Borwa o re motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho kgetha mokga wa dipolotiki oo a nahanang hore o tla ntshetsa naha ya rona pele. O ne o le e mong wa ba ileng ba ya kgetha dikgethong tsa 2009. Takatso ya hao e ne e le ho bona mokga wa hao o hlola dikgethong mme e le wona o tla nka puso. Ka bomadimabe ho na le mokga o mong o hlotseng oo e seng wa hao. O bona sena e tla ba tshita e kgolo ho mokgatlo wa hao hobane o ne o na le maikemisetso a maholo a ho ntshetsa profensi pele. Sena se o tetebeditse maikutlo. Ngola moqoqo mabapi le sena. Sehlooho sa hao e be: Hoja mokgatlo wa ka o ne o ile wa atleha ho hlola dikgethong tsa 2009.
Khansele ya boingodiso ba matitjhere e sisinya hore matitjhere a be le yunifomo eo a tlang ho e apara jwalo ka mapolesa, manese, bakganni ba difofane le basebeletsi ba bang ba mmuso ba aparang yunifomo. Sena se bakwa ke hore ho na le tletlebo ya ho re a mang a matitjhere a apara ka tsela e sa amohelehang setjhabeng. Ho na le mekgatlo e meng ya matitjhere e kgahlanong le sena. E re motho o lokela ho fuwa monyetla wa ho apara seo a ikutlwang a boheha ha a se apere. Wena o e bona jwang taba ee Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang lehlakore leo o dumellanang le lona. Sehlooho sa moqoqo e be: Ebe matitjhere a lokela ho apara yunifomo kapa tjhe?
Barati ba papadi ya bolo ya maoto ba arohile dikoto tse pedi mona Afrika Borwa. Sekoto sa pele se re mmuso o senya tjhelete ka ho tshehetsa Bafanabafana e dulang e hlolwa. Sa bobedi sona se re mmuso o etsa hantle hobane Bafanabafana ke sehlopha sa naha jwalo ka tse ding. Ngola moqoqo oo ho wona o buellang mahlakore ana ka bobedi.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeta hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeta hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Kgetha e le nngwe ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 120 ho isa ho 150.
O ne o entse kopo ya thomello ya dibuka tse tharo tsa Sesotho lebenkeleng la CNA empa ka bomadimabe o romelletswe dibuka tseo e seng tsona. Ngolla motsamaisi wa lebenkele leo lengolo o tletlebe ka dibuka tse fosahetseng tseo ba o romelletseng tsona.
O na le seabo se seholo motseng oo o phelang ho wona. Ke wena feela motho ya nang le khomphutha mme o thusa baahi ba motse ka ho ba tlanyetsa dintho tsa bona tse kang Mangolo a Boitsebiso le Boiphihlello (CV), mangolo a dikopo tsa mesebetsi, ditokomane le tse ding tse ngata. Ho na le qhooku e seng e le siile motseng wa heno. O kopilwe ke ba lelapa ho ba ngolla obitjhuari/tsa bophelo ba mofu ka ha ba hlokometse hore o ne o mo tseba ebile le le metswalle. Ngola obitjhuari eo.
O bone phatlalatso ya sekgeo sa mosebetsi koranteng e itseng. O na le thahasello ya mosebetsi oo ho ya ka mangolo a thuto ao o nang le wona. Sekgeo seo sa mosebetsi se o hloka hore o ba romelle lengolo la kopo ya mosebetsi le Lengolo la Boitsebiso le Boiphihlello (CV). A ko ngole CV ya hao eo o lokelang ho e romella khampane eo o boneng sekgeo seo sa mosebetsi ho yona.
Jwalo ka moemedi wa baithuti sekolong sa heno, o filwe boikarabelo ba ho hlokomela hore baithuti ha ba senye thepa ya sekolo nakong eo le etetsweng ke baithuti ba sekolo se seng ka dipapadi. Ka bomadimabe, ho ile ha ba le bohlaswa ba lequlwana la baithuti ba itseng le ileng la baka tshenyo moahong wa sekolo. Ngolla mosuwehlooho raporoto/tlaleho eo ho yona o hlalosang se etsahetseng.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 80 ho isa ho 100.
O bonahala o na le bokgoni ba ho ipulela kgwebo e nyenyane ya ho rekisa. O hlokometse hore baahi ba motse wa heno ke batshehetsi ba baholo ba sehlopha sa bolo ya maoto sa motseng oo. O hlokometse hore ha o ka rekisa dikipa tsa bolo tsa sehlopha sa motse, di ka rekwa haholo. A ke o ngole papatso e tla hohela bareki ba hao ho reka dikipa tseo.
O iphumanetse motswalle ka tsela ya thekenoloji e teng matsatsing ana a kajeno. Motswalle enwa wa hao o rerile ho o etela moo o dulang. Le ntse le buisana ka melaetsa e mekgutshwanyane ya diselefounu (SMS), 'mix-it' le e-meili. Ngola ditshupiso tse felletseng tsa ho re o tla tsamaya jwang ho tloha boemelong ba ditekesi ho tla fihla lapeng heno. Ela hloko hore ditaelong tsa hao o bolele dibaka, diterata le meaho e bonahalang eo motswalle wa hao a tlang ho e feta.
Dikgweding tse tharo tse tlang o tla be o ba le dilemo tse mashome a mabedi le motso o le mong. Batswadi ba hao ba ikemiseditse ho o etsetsa moketjana wa letsatsi la tswalo. O na le metswalle eo o ratang ho e mema moketjaneng ona wa hao. Ngola karete ya memo moo o memelang metswalle ya hao moketjaneng ona. Hlalosa dintlha tsohle tse loketseng ho hlahella kareteng ya mofuta o jwalo wa memo.
<fn>Sesotho FAL P3.txt</fn>
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane.
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 250 ho isa ho a 300.
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 ho isa ho a 100 (dikahare feela).
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane.
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso - mantswe a 80 ho isa ho a 100.
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo wa mantswe a 250 ho isa ho a 300.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka ona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi wa hao le ho hlaola diphoso.
Bala ditaba tse buuwang ke baithuti setshwantshong se ka tlase o ngole moqoqo ka sehlooho sena: Pherekano le melemo e tlisitsweng ke thekenoloji.
Boetapele ke mosebetsi o batlang maikemisetso, boitelo, tshebedisano, nnete le botshepehi. Ho teng baetapele ba kgotsofatsang ditlhoko tsa balatedi ha ba bang ba hloleha. Ha o ka kgethwa ho ba moetapele wa barutwana o tla tshwara balatedi ba hao jwang Ngola moqoqo ka: Ha nka ba moetapele wa barutwana sekolong sa heso?
Mmuso wa rona o kgothaletsa baahi ho bala hore ba be le tsebo le bokgoni. Sekolong morutwana ka mong o lebelletswe ho bala dibuka tse fapafapaneng tsa Sesotho. Re phetele pale eo o kileng wa e bala kereiting ya leshome. Sehlooho sa moqoqo ebe: Pale eo nkileng ka e bala.
O ne o le moithuti ho e nngwe ya diyunivesiti mose ho mawatle. Motswalle wa hao eo o neng o kena sekolo le yena o lakatsa ho etela Afrika Borwa ho tla boha dipapadi tsa mohope wa lefatshe tsa 2010. Ngola moqoqo o hlalose maemo a naha ya heno o ikamahantse le tsa moruo, dipolotiki, tshireletso le polokeho ha mmoho le phedisano. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Afrika Borwa naha ya heso.
Kgethollo e fedisitswe naheng ya rona ka ha re se re phela nakong tsa demokrasi. Basadi ba se ba etsa mesebetsi e neng e etswa ke bontate feela. Malapeng, bomme le banana ba ntse ba tobane le bothata ba kgatello, ho lebelletswe hore ba phehe, ba hlwekise matlo, ba hlokomele bana le tse ding. Ngola moqoqo o tebisitse maikutlo sehloohong sena: Kgatello ya basadi le banana malapeng.
Ngola tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele bo se bo boletswe leqepheng la 2.
Baahi metseng ya rona ba tletleba ka ditefello tse phahameng tsa motlakase le metsi. Lekgotla la baahi ha le sekehele dillo tsa baahi tsebe. Ka thuso ya setshwantsho sena, ngolla Ramotse wa heno lengolo o hlahise ditletlebo tsa baahi ba heno mabapi le ditshebeletso tse sa kgotsofatseng tsa mmasepala.
Lekgotla le emetseng baithuti sekolong sa heno (RCL), le sa tswa kgethwa kgweding ya Pherekgong. Ka lehlohonolo la moteaphala o thontswe ho ba modulasetulo wa lona. Ngola puo eo o tlang ho e tshetlehela barutwana le mesuwe jwalo ka ha dikolo di se di tla bulwa.
Dikotsi mebileng ya naha ya rona di a hlobaetsa. Baahi ba a hlokahala ha ba bang ba qetella e le diqhwala. Ka thuso ya setshwantsho se ka tlase, ngolla ba sepolesa tlaleho ka se etsahetseng kotsing eo o amehileng ho yona.
Matsatsi a phomolo a mafelo a selemo a se a fetile. Motswalle wa hao o ne a o etetse matsatsi a mahlano, ho kenyelletswa le la Keresemese. Ngola dayari ya matsatsi ao, o bolele tseo le di entseng mmoho letsatsi ka leng.
O se o tla keteka letsatsi la hao la tswalo. Batswadi ba rerile ho o etsetsa mokete wa semetletsahadi. Ngola karete eo o tla e romella metswalle ya hao.
Inahanele sehlahiswa sa mofuta ofe kapa ofe mme o rale papatso e tla hlahella ho e nngwe ya dimakasine tse tsebahalang. Hopola hore papatso eo e lokela ho hohela babadi ho reka sehlahiswa sa hao.
<fn>Sesotho HL - P1 Memorandamo Exemplar 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Tjhe, v Sebui se hanana le taba ya ho tena borikgwe bo bokgutshwane athe ba tshehetsang tswelopele ba re a dumellwe.
Hore maikutlo a Mohau a wetse kapa a sithabetse hobane a ne a hlokahelletswe ke mohatsae.
Molaotheo wa Naha o sireletsa ditokelo tsa bohle, v mme o kgahlanong le kgethollo ya mofuta ofe kapa ofe. Ho hanela basadi ho ba ditho tsa lekgotla la kereke ke kgethollo ya bong, v mme sena ke tlolo ya molao.
Se sebediseditswe ho tshehetsa le ho matlafatsa molaetsa o hlahisitsweng ka mantswe temeng/ papatsongv o fetisetswang babading o reng 'ho teng matsatsi a thata' - 'matsatsi a pula'.
Tshebediso ena ya mokgabisopuo (papiso/tshwantshanyo) e thusa ho hlakisa moelelov le ho feta, seo ho buuwang ka sona se hlaka le ho feta ka lebaka la tshebediso ya mokgabisopuo ona.
Ho buuwa ka boitshwaro 'ba ho itaola tshebedisong ya tjhelete'v e le ho ingotla dinthong tse ding tse itseng, e leng ho e boloka ka tsela e jwalo.
Ho susumetsa mmadi ho nahana ka matsatsi a phomolo v hoba hangata khemera e sebediswa hangata ha batho ba le matsatsing a phomolo.
Tshwaya ho ka dintlha tse boletsweng - tema ena ke mohlala feela.
Sebui se re bolella hore ho na le mathata bophelong ka kakaretso. vv Sebui se hlalosa hore ho na le lekunutu le utullotsweng leo le neng le sa tshwanela ho patwa ka baka la boemo boo ba ditaba bo leng ho bona. vv Ho bonahala hore baratani ba ne ba le boemong ba ho nyalana empa bas a tsebe hore ke bana ba monna a le mong empa ba fapane ka bomma bona. vv Batswadi ba hodisitse bana bana ba dutse tabahadi ena hodimo ka sepheo e le ho boloka malapa a bona a bolokehile - a sa tjhwatlehe. vv Sena se etsahetse hobane Basotho ba ne ba dumela hore 'ngwana ke wa dikgomo'.le hore 'tlhompho e tswala katleho/.
Mehlala: - Ntja e shweleng e ne e se e nyeunya diboko.
Basotho ba na le diboko tse fapaneng.
Polelwanakutu: Batswadi ba ne ba tsebisitswe.
Ha se utlwahale sefako sa dikulo difensetereng le monyako.
Hobane bohle ba rata ho ba le tjhelete, ka hona bohle ba tla ba le thahasello bukeng ya bona ya 'Maths Today'.
hobane letoto lena la dibuka le fumaneha ho tloha kereiting tsa 7-9.
<fn>Sesotho HL P1 Feb-March 2009 Memo.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Mosiuwa ha a ka a ba lekgonono ho ya mophatong hobane o ile a bolella batswadi ba hae hore le yena ke takatso ya hae ho ya lebollong.
Ke mohopolo feela. Ha ho jwalo hore malapa a batho ba sa bollang a a qhaleha. Malapa a batho ba bangata ba sa bollang ha a qhaleha.
Tjhe, motho ya yang lebollong, o lokela hore a be a eso ka a nyala hobane ke hona a ilo ithuta ka taba tsa bonna.
E, bMosiuwa ke mohlahlami boreneng hobane setjhaba se thabetse ho bona ngwana wa bona, morena wa bona wa ka moso.
Moshanyana o bonahala a le matla v hobane o kakasitse sehatsetsi se boima; matla ana a hae o a fumana ha a ja mabele a Purity a etsang hore a hole a kwenne e le poropotlwana.
Moshanyana o sebedisitswe ke babapatsi ho bontsha matla a sehlahiswa sa bona.
Setshwantsho sa pitsa e nang le sefapano se bontsha hore ha a phehwe.
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Ditaba tseo tsa hopotsa mongodi ka titjhere Phankga. O hopola ka moo titjhere eo a neng a ba bolelle hore ha ba fihla sekolong, ba kopana le batho ba fapaneng, ba tswang malapeng a fapaneng mme le kgodiso e fapane. Ba bang ba hodisitswe ho se na melao ya tlhompho ha ba bang ba hoditsitswe ka tlhompho ekasitana le bohlweki moaparong le dipuong. A ba lemosa le tsela eo ba lokelang ho kgetha metswalle ka teng ka ha ho e na le metswalle e kgelosang.
Lesole le yena a batla a sa tshohe hanyenyane.
Ha a le tjena ekakgona a se tlohellwe a ntshe maikutlo a hae.
O ne a apere mose o tsamayang o na le dibato tse sootho.
Mohatsa Lesole a bua a ba tonetse mahlo a rev o utlwa fuba sena sa hae se tlallanav hoo a bonang hore ha a ka kwala molomo, se tla qhomav.
Mohatla Lesole e ne e le mosadi e motle.
Dineo o ne a hlobodisitswe kobo ya hae.
Mosadi o ne a lla ha bohloko.
Polelwakgethi ya neng a botswa dipotso phuthehong.
Phutheho ya Bafokeng ha e tshajwe ke mohatsa Lesole.
Bohle ba neng ba le phuthehong eo, ntle le mohatsa Lesole, ba dumela hore Mmateboho a botswe.
Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo tla fifala ke ho lla.
Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo ka fifala ke ho lla.
<fn>Sesotho HL P1 Feb-March 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Morena Mokwena o bolella mora wa hae Mosiuwa hore o lokela ho ya lebollong mme a re: 'Lebollo ke moetlo. Setjhaba se seng le se seng se na le meetlo ya sona. Ke sekolo sa mehleng ya bontatarona, sekolo se ba entseng batho. Ha o le motona o rutwa tsa botona setjhabeng sa heno. Taba ya bobedi ke ho re lebollo le na le makunutu a lona ao o tlang ho a tseba. Ho tseba ho boloka lekunutu ke e nngwe ya ditaba tsa bohlokwa. Motho ya sa tsebeng ho boloka makunutu ha a phethahala. Ha ho mosebetsi wa bohlokwa oo a ka o tshepelwang.
Ntlha ya boraro ke ho re o lokisetswa nako ya bonna lebollong o tle o phele ha monate le molekane wa hao. Hangata malapa a qhalehang ke a batho ba nyalanang ba sa bolla. Ha ke rate ho bona o hlahelwa ke ntho e jwalo.' Karabo ya Mosiuwa ya eba e kgotsofatsang le ho thabisa batswadi ba hae. A ba bolella hore le yena o na le takatso ya ho ya lebollong, sekolong sa Basotho. A ke a iphumanele hore na tsa teng ke dife.
Nako ya ho tswa mophatong ha bashemane ke nako ya mekete. Ba a feheletsana. Ba a ithoka. Ba etsa makotompi le mangae. Bokgeleke ho ba nang le bona bo a hlahela. Meduduetsane, bokgeleke ba basadi ba Basotho, e a tlola. Meketeng ena ya ho feheletsana, bashemane ba a phehelwa. Dinama le majwala ke tsona dijo tse kgolo. Nakong eo bashemane ba batle ebile ba tlotsitse letsoku. Ba bitswa makolwane.
Ha nako ya ho re ho uwe habo Mosiuwa e fihla, motse kaofela o a sisinyeha, o a phethesela. Dikgomo tse pedi tsa wa. Makolwane a fihla motseng ha ho shwalana. Ba fihla pina ba e dumella tlase. Ba fihlela kgotla ka moetlo le tshwanelo. Tsa tsatsi leo tsa qaleha. Setjhaba se ne se thabetse ho bona ngwana wa bona, morena wa bona wa ka moso. O kae O kae Ena ya eba yona potso e botswang ke ba bangata?
Ha nako ya hae ya ho ema e fihlile, Mosiuwa a ikutlwa a le tsietsing. A ba hara thabo e kgolo. Thabo e tlelang motho ya tsebang hantle o phethile ka bokgabane thomo eo a neng a e tshepetswe. Ka nqe nngwe a fihlelwa ke ho hlomoha hoo a sa ho tsebeng moo ho tswang teng. A ikutlwa a hlomoha ha a bona mmae, a bona bang ka yena, a bona batho bohle ba motse wa habo esita le metsana e ka mathoko.
Thabo le ho hlomoha tsa etsa motswako o mobe, o sa rateheng. Tsa lwantshana, tsa mmeha tsietsing ke hona. Ntho e nngwe e ileng ya mmeha tsietsing e bile sekgahla seo tsohle di etsahetseng ka sona. Mosiuwa a iphumana a tshwana le moahlodi ya tshwanelang ho diha nyewe eo a qetileng matsatsitsatsi a ntse a e mamela, mme jwale ho fihle nako ya ho re a bale kahlolo ya hae hobane le ho ngolwa e se e ngotswe. A ikutlwa a tsieleha ho e bala ka lebaka la seo e se bolelang.
Tema ena e itshetlehile hodima taba e itseng. Nehelana ka sehlooho sa yona ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsa yona.
Setjhaba seo ho buuwang ka sona temeng e ka hodimo ke sefe?
Qotsa lentswe temeng le bolelang bahlankana ba sa tswa tswa lebollong.
Bolela sejo se le seng ho tse jewang mohla mokete wa mokolwane.
Seratswaneng sa bone, mongodi o re: 'motse kaofela wa sisinyeha.' Mokgabisopuo oo mongodi a o sebedisitseng o bitswa eng?
Ha ho thwe 'dikgomo tsa wa' ho bolelwa eng?
Na Mosiuwa o ile a ba lekgonono ho ya lebollong Tshehetsa karabo ya hao?
Seratswaneng sa bobedi, mongodi o bolela ho re 'Hangata malapa a qhalanang ke a batho ba nyalaneng ba sa bolla'. Na taba ee ke ntlha kapa ke mohopolo feela Tshehetsa karabo ya hao?
Ho ya ka ditaba tsa tema, na motho ya lokelang ho bolla o lokela hore a be a se a nyetse Tiisa karabo ya hao?
Ho ya ka ditaba tsa tema ee e ka hodimo, na Mosiuwa ke mohlahlami boreneng Tshehetsa karabo ya hao?
Mongodi o sebedisa maelana/sekapolelo sena: 'ho diha nyewe'. Maelana ana a bolelang?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ao ke Mabele a Purity Lesheleshele la bana ba kwenneng!!!!
Fepa ngwana wa hao mabele a Purity hore a hole a kwenne e le poropotlwana. Mabele a Purity a tletse matla, a thumisehile e bile a sileha ha bobebe ka mpeng. A matlafaditswe ka divithamini tsa A, B, C mmoho le seleniamo, zinki, tshepe le khalesiamo. E se neng ngwana wa hao e tla be e le seponono se dikoti marameng. Le teng e seng hoo feela a bile a le mesifa e matlahadi.
Ho thwe 'e se neng ngwana ya jang mabele ana a Purity e tla be e le seponono se dikoti marameng'. 'E se neng' e ka akanngwa e le nako e kae?
Sehlahiswa se bapatswang se hlahiswa ke bahlahisi bafe?
Papatso ena e reretswe baamohedi bafe ba ditaba?
Motho wa bohlokwa papatsong mona ke mang Hobaneng ha o realo?
Ho ya ka tema ee motho a ka nka nako e kae ha a pheha mabele aa a Purity Hobaneng ha o realo?
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ketso ena ya moshemane enwa ya boela ya mo hopotsa tsa titjhere Phankga. A ellelwa hore nako ya ha motho a le sekolong ka nqe nngwe e thata hobane motho o kopana le batho ba mefuta e mengata. O kopana le batho ba tswang dibakeng tse arohaneng, ba tswang malapeng a fapaneng; ba fumanengdikgodiso tse fapaneng. Ba bang ke ba hodisitsweng ka dikgalemelo tse matla, tse thata ka nako le nako. Ba bang ba kgalemetswe le ha e se ka thatathata. Ba bang mohlomong ba bile le bomadimabe ba ho hlokahallwa ke batswadi ba sa le banyenyane, ba hola e le dikgutsanakgudu, mme ba hodiswa ke batho ba nnileng ba ba bokotsa ba hana ho otlolla thupa e sa le metsi. Seo e leng sa bohlokwa ke ho re motho a itsebe seo a leng sona. A hlake hodima sepheo seo sekolo se se emetseng, se se phehellang. A hlokomele metswalle e mo kgelosang.
Motheo ke ntho ya bohlokwa ha re haha matlo ao re phelang ho wona. Ka mokgwa o tshwanang, bophelong ba motho, motheo ke ntho ya bohlokwahadi. Thuto ya pele ke ya ka lapeng. Diketso tsa batswadi tseo ngwana a di bonang kapa dipuo tsa bona tseo a di utlwang, di na le tshwaetso e kgolo bophelong ba ngwana ya holang. Ha a le dilemo di tsheletseng mme a qala ho ya sekolong sa mathomo, lelapa le lokela hore le be le se le mo rutile tlhompho, bohlweki moaparong ekasitana le dipuong.
Ha ngwana a qadile ho kena sekolo, lelapa ha le ikgirolle, le ntse le tswela pele ka boikarabelo ba lona. Batswadi ba ngwana, komiti ya sekolo kapa ya batswadi le matitjhere, ba etsa selei se ntlha di tharo. Selei se tshwanelang ho tataisa ngwana bophelong ba hae ba nako ya sekolo, le boikokobetsong ba hae ba bophelo ba ka morao ho sekolo. Mosebetsi wa sekolo se phahameng o a thatafala ha motheo o sa ba motle malapeng kapa dikolong tsa mathomo.
Bala tema ena o be o arabe dipotso tse e latelang.
Ha a qeta mantswe ao, a tadima ka ho Mmateboho, mme bohle ba tadima ka ho yena le bona. Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo fifetse ke ho lla, mahlo a ruruhile, mme a le mafubedu tlere! A thola, a sa tsebe hore na o tla reng. Basadi ba Bafokeng pelo di ntse di tlolatlola ke thabo. Mosadi wa batho a apesitswe kobo, hara motjheso o mokaalo.
Mmateboho, na o ntse o utlwa hore rangwanao o bua le wena'' Ho botsa monnae, le yena a se a sa ipatle ke ho tatela ho utlwa taba tsa mosadi enwa ya tswa patwa. Mmateboho a thola, a ntse a shebile fatshe, a sa utlwe le hantle hore na ho ntse ho thweng. ''Na o ntse a butse ditsebe, Mme'' Ho botsa monnae hape, lentswe eka le batla ho phahama. Ha hlokahala molomo ho mohatsae, a itholela a re tu! ngwana batho, kgutsana ya Lekgolokwe hara Bafokeng ba le kaalo?
Bontate le tla ntshwarela ha ke kena ditaba tsa lona ka sehlotho.'' Ho realo mohatsa Lesole. ''Ke a tseba hore hantlentle ke ne ke sa tshwanela ho ba teng mona, hoba ha ke wa Bafokeng, esita le ka kgomo.'' Bohle ba tadima ka ho yena, e le ha ba ne ba maketse le ho tloha qalong hore mosadi enwa, ya seng a bua jwale, o batlang phuthehong ya Bafokeng. Lesole le yena a batla a tshoha hanyenyane, hobane o ne a sa lebella hore yena le mohatsae ba ka ntsha mantswe kopanong ena. Empa ka ha e le mona a se a qadile, a tseba hore ha a ka re o leka ho mo kwala molomo, o tla be a bakile moferefere, hobane o ne a sa tshabe ho bua ha a batla ho bua, ho mang kapa mang.
Ke utlwa fuba sena sa ka se tlallana hoo ke bonang hore ha nka kwala molomo, se tla qhoma.'' A bua a ba tonetse mahlo, a pota ntlo ena kaofela, a ba a fihla a manama ho rangwane. ''Potso ena eo le e botsang ausi Mmateboho, ke eo nna nka e arabang. Pele ke e araba, ke rata ho bua seo mahlo a ka a se bonang, le seo tsebe tsa ka di se utlwileng haesale Bafokeng ba fihla mona.'' A kgutsa a thetha sehohlola, yaba Lesole o a utlwa hore jwale mohatsae o halefile, mme ha a le tjena ekakgona a tlohelwe a ntshe maikutlo a hae.
Ke itsalo hobane ke utlwa hore potso ena e botswa ka moya o tletseng dikaqa, o mobe, o tletseng lehloyo. Haesale Bafokeng ba fihla mona ke se ke utlwile puo tsa bona tse ngata, tse babang, ka enwa kgaitsedi ya monna wa ka, ausi Mmateboho. Le potso ena e botswa ka wona moya ona o mobe oo esaleng o foka ka lapeng lena ho tloha ha le fihla. Ka hoo ke batla hore ke arabe potso ena, mme haeba ho sa tla ba le potso tse ding, nka thaba haholo ha di ka lebiswa ho nna, hobane ke nna ya ka arabang tsohle ka Mme, e leng yena mosadi enwa eo re tswa mmoloka kajeno, eo lona Bafokeng le llang ka yena, eka o le senyeditse.
Lentswe lena, 'botshwana' le supa botshehadi polelong ena, ''Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo fifitse ke ho lla '' Nehelana ka mebala e supang botshehadi ba mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Kgomo ya selelekela ya bohadi ba Mmateboho e ne e le phatswa tjena.
Kgomo ya selelekela e ne e setswe morao ke e tolodi tjena, e nonneng ya Leforekannere.
Polelo ena, '' hoba ha ke wa Bafokeng ...'' e kganyetsong. Ngola dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Lesole le yena a batla a tshoha hanyenyane.
Ha a le tjena ekakgona a tlohellwe a ntshe maikutlo a hae.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetolele kutu ya lekgethi e ka masakaneng sebopehong se nepahetseng.
O ne a apere mose o tsamayang o na le dibato (-sootho).
Polelo ena e latelang ke puo ya mmui, mme e qotsitswe jwalo ka ha sebui se ne se e bua. E bale e be o e ngola puopehelong.
Ke utlwa fuba sena sa ka se tlallana hoo ke bonang hore ha nka kwala molomo, se tla qhoma.'' Mohatsa Lesole a bua a ba tonetse mahlo.
Qala polelo ya hao ka mantswe ana: Mohatsa Lesole a bua...
Nehelana ka lelatodi la lentswe le ntshofaditsweng dipolelong tsena tse latelang, e be o sebedisa lelatodi le leng le leng polelong eo o iketseditseng yona.
Le potso ena e botswa ka wona moya ona o mobe oo esaleng o foka ka lapeng lena.
Mosadi wa batho a apesitswe kobo, hara motjheso o mokaalo.
Lentswe 'sehlotho' le bolela moriri o moholo hloohong ya motho.
Mmateboho o ne a keleketlisa metsi a tsholohang mahlong ha a hlongwa dipotso.
Mosadi enwa ya buang o batlang moo Bafokeng ba kopaneng ka bongata teng.
Hlopholla polelomararane e latelang ho ya ka dipolelwana tseo ho nehelanweng ka tsona mona ka tlase.
Mosadi ya neng a botswa dipotso phuthehong eo ya Bafokeng o ne a lla ha bohloko.
Leetsi polelong ena, 'Potso ena e botswa ka moya o tletseng dikaqa' le sebopehong sa boetsuwa. Fetolela leetsi sebopehong sa boetsuwa dipolelong tse latelang. Qala polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Mohatsa Lesole ha a tshabe phutheho ya Bafokeng.
Polelong e latelang ho na le tshebediso e fosahetseng ya lehokedi. E badisise e be o e ngola botjha o se o lokisitse phoso eo ya lehokedi. Sehella lehokedi leo o le lokisitseng mola.
Bohle ba neng ba le phuthehong eo, ntle le Mohatsa Lesole, a dumela hore Mmateboho a botswe.
Bala polelo ena e latelang e be o araba dipotso tse thehilweng hodima yona.
Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo fifetse ke ho lla.
E ngole ho lekgathe letlang.
E ngole ho sekaokgoneho.
<fn>Sesotho HL P1 Feb-March 2010 Memo.txt</fn>
Ka dinako tsohle o ne a lokela ho dula a le maemong a hodimo, ka sepheo sa ho tiisetsa banna hore o na le bokgoni.
E batla motho ya nang le lerato, maikemisetso le boitelo bo boholo.
Ke tiisetso ya setsebi sa maro a hodisang mmele hore le ha a se a hodile, boima ba hae bo ke ke ba feta dikilokgeramo tse 50.
Genevieve o holetse sebakeng (lapeng) seo ho neng ho ruilwe dipere, mme batswadi ba hae ka bobedi le bona ba ne ba tswa hona mofuteng ona wa tikoloho. Ka lebaka leo le yena a hodiswa ka lona lerato leo dipereng le ho beiseng ka tsona.
Kgetholo ho ya ka bong (monna/mosadi), hobane ha a ne a amohelwa akhademing, o ile a hloka bodulo kaha e ne e le ba banna feela.
Batho ba ratang ho hlokomela meriri ya bona.
Setaele sa ka. Tsela ya ka.
Sepheo ke ho hohela bareki mofuteng ona wa sehlahiswa.
Se ka letsohong le letona ke senyanyatsi b athe se ka ho le letshehadi ke setlolo.
Ke ho bontsha bareki seo sehlahiswa sena se ka se etsang meriring ya bona e lohuweng. Ka hoo setshwantsho seo se matlafatsa kgohedi sehlahisweng sena.
Ho bonahala nako e se e ile Malekupa a sa bonahale ho kgutla. v Malekupa o tsamaile hoseng a kgenne hoo Lesedi a hopolang hore o ngadile. v Lesedi o ferekanngwa ke sena, mme o a rabaraba. v O ipotsaka dipotso di hana ho fela. v Ha a kena ka tlong o qetella a thubile dijana ke ho dubakana hona. v Kgabareng o utlwa modumo wa koloi e fihlang e ema, mme e theola Malekupa yaba o sehwa ke letswalo. v A tlelwa ke mohopolo wa ho ya mo nkisa mokotla empa a phakisa ho o nyahlatsa.
Kabo ya matshwao: 1.
ho fokotswe letshwao le 1.
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3.
ho fokotswe matshwao a 2.
Ho fokotswe letshwao le 1 matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Lethoko o buile hakgutshwane feela le Sebolelo ka taba eno.
Ho ne ho se batswadi ba dumetseng hore bana ba ye sekolong ka nako eo ya bosiu.
Bomalomafodisa ba fumaneha ka mefuta e fapaneng setjhabeng se seng le se seng.
Malomafodisa o ne a sa reriswa ke Lethoko ka ditaba tsa ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu.
Bana ba tlameha ho qobellwa ke Lethoko ho tla bala dihoreng tseo tsa bosiu.
Kaha batswadi ba ne ba le siyo, kopano eo ha e a ka ya tshwarwa letsatsing leo.
Malomafodisa o ne arabela eng athe ha ho buuwe le yena.
Lethoko o ne a sa sitwe ho utlwisisa hore na ke ka lebaka la eng ha a fumana bothata.
Selemong seo Lethoko a se ke a sebetsa ka thata ho ntlafatsa masingwana a sekolo.
Lethoko o ne a tadimane le taba e thata e le ka nnete.
Lethoko o ile a arolelana ditaba tsena tse bohloko le Sebolelo, mohatsae.
Lethoko le Sebolelo ba dutse fatshe ho rarolla bothata boo.
Ke belaetse ke boitshwaro boo ba batswadi.
Ba rata ho ja bona boo bo bosootho.
Ha a se a le moo, a lemoha hore ntho ya hae e ntsho ha ho seo a ka se buang.
<fn>Sesotho HL P1 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Genevieve Michel ke pulamadiboho basading ba ileng ba fumana lengolo la thuto e phahameng, la dikrii ho tswa SA Jockey Academy, motseng wa Summerveld haufi le Durban. Ke joki ya porofeshenale. O ile a boela a itshupa ha a ne a kenela mojaho wa bohlokwa wa J & B Metropolitan, Cape Town. A hlwa matsatsa a iketsetsa lebitso papading ena, e neng e tumme ka ho re ke ya banna, le hona ba mekgerane ba bakgutshwanyane.
Papadi ena e batla motho ya nang le lerato, maikemisetso le boitelo bo boholo. Hangata ho thwe moo lerato le leng teng, tsohle di ba bonolo jwalo ka sereledi. Matsatsing a tsheletseng ho a supileng bekeng, Genevieve o tsoha ka dialla hore a sebetsane le dikatola tsena tsa mojaho. Ha a ke ke a etsa jwalo, yena le tsona ba ka iphumana ba hula ka tlhako tsa morao mohla tlhodisano. O kenela mojaho habedi bekeng mme o ikwetlisa makgetlo a mane bekeng. Ruri kgomo ya boroko ha e yo!
Puisanong ya hae eo a ileng a e tshwara le Lisa Templeton, moqolotsi wa ditaba wa makasine wa Fair Lady, letsatsi pele ho mojaho oo wa J & B Metropolitan, Genevieve o boletse hore mojaho oo ke o moholohadi mme ka lebaka leo, le moputso oo joki e tla o hapa ke o thibang letsatsi. Potsong eo a ileng a e botswa malebana le ho re e be mohlodi e tla ba ofe, o ile a re: ''Pere ya mojaho e itshwanela hantle feela le sebapadi sa bolo ya maoto. Kajeno e ka ba morolo, ya ba le sehlahlo se makatsang. Feela ka le hlahlamang ya o makatsa, wa e fumana yona pere yane ya maobane, e se e le mopukunyane feela. Ka hoo he, mopalami ya tla hlola ke eo pere ya hae e tla tsoha e le lehala. Hosasa teng tangtang e tla kgangwa ke lerole.'
O boetse a hlalosa hore bonyenyaneng ba hae, o ne a dula a makatsa metswalle ya hae ka mehla hobane dipapadi tse ngata tsa bona bana, di ne di sa mo natefele hakalo, a bile a hloka le mamello ho tsona.
Feela o re ha ho ne ho tluwa dikatoleng, teng o ne a sa tswafe ho hlola letsatsi lohle teng a bile a lebetse le ho ja. Ha a ne a kgathetse ho palama pere eo e neng e le thatohatsi ya hae, o ne a ka mpa a dulela ho e borosola le ho e bapadisa ka ditsela tse fapaneng.
Ha a le dilemo tse leshome le metso e meraro, o ile a etsa kopo ya ho ba joki Akhademing ya joki empa taba ya hae ya boholwa ke dintja. Sello boholo e le sa hore boima ba hae ba dikilokgeramo tse 46, bo tla iphetola mokgokakgwale. Ho ne ho thwe ha a ntse a hola o tla nona a imele dipere.
Hore a be a amohelwe ho ile ha hlokeha tiisetso ya setsebi sa maro a hodisang mmele (endocrinologist) hore le ha a se a hodile, boima ba hae bo ke ke ba feta dikilokgeramo tse 50. Ka hobane e ne e le mosadi wa pele ho ba joki, o ile a hloka bodulo akhademing. Bodulo e ne e le ba banna feela mme ka hoo a ba a lokela ho ya dula le ntatae.
Le ha ho bonahala eka badimo ba habo ba eme le yena, empa bophelo sebakeng se laolwang ke banna feela bo ne bo se bonolo. Ka dinako tsohle o ne a lokela ho ba maemong a hodimo ho kgodisa banna hore o na le bokgoni. Ha a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, o ile a fumana tlholo ya hae ya pele peisong. Le ha ho le jwalo, ha a ikwahlahe ha a ile a latela lekala lena. Dilemo tse nne ka mora hore a kene akhademing, o ile a etsa histori ha a boela a itlhoma pele hore e be joki ya mosadi ya porofeshenale.
Genevieve o ne a hape mojaho wa hae wa pele ha a le mo kae?
Qotsa lentswe temeng le bolelang batho ba basesanyane mmeleng.
Seratswaneng sa boraro, mongodi o re: ''moputso oo joki e tla o hapa ke o thibang letsatsi.' Mokgabisopuo ona o bitswa eng?
Qotsa diketsahalo tse PEDI temeng ena tse tiisang hore Genevieve e ne e feela e le pulamadiboho ya nnete.
Ke polelo efe seratswaneng sena e re tsebisang hore morero wa Genevieve wa ho ba joki o ile wa nyopa qalong?
Ke sefe seo re ka reng e ne e le phephetso e kgolo ho yena mosebetsing ono wa hae wa ho beisa ka dipere?
Seratswaneng sa bobedi, qotsa polelo eo re ka reng e fupere mantswe ao e sephiri sa katleho ho seo motho a se etsang.
Se neng se etse hore Genevieve a qetelle a atlehile tabatabelong ya hae ya ho ba joki ke sefe?
Ho ya ka ditaba tsa tema ena, hlalosa kamoo tikoloho eo ngwana a holelang ho yona, e ka bang le kgahlamelo kateng ho seo a ka ratang ho se etsa bophelong.
Ho ya ka tema ee, o ka re mongodi o totobatsa mofuta ofe wa kgethollo/leeme o neng o le teng nakong eo Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Na o batla manyetse a foreshe, a bonojana ho tloha qoleng ho ya motsong wa ona Iphumanele sehlahiswa sena se ritetsweng ka Oli ya Apolekose le Vitamini E. Ka ho panya ha leihlo mmala wa manyetse a hao o tla phatsima o qale ho ebesela, a ntjhafale e be setsoto! Ntjhafatsa setaele sa hao letsatsi le letsatsi?
E fa moriri wa hao ho benya ho tlokomang ka tsela e sa kgolweheng. Fomula ya yona e ikgethang, e nolofatsa le ho sireletsa moriri wa hao ka motswako wa yona wa dioli tse otlang moriri batho ba sale ba itse ahla!
Bahlahisi ba sehlahiswa see ba hopotse ho hohela bomang setjhabeng ka papatso ee?
Bolela lepetjo la dihlahiswa tsena.
Hobaneng mabitso a dihlahiswa tsena a ngotswe ka mongolo o moholo?
Ho ya ka papatso ena, mesebetsi ya sehlahiswa se ka letsohong le letona ke efe?
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Letsatsi la sekama, meriti ya theha, ya feta Malekupa a ntse a sa bonahale ho fihla. Lesedi a qalella ho tshoha. Ebe Malekupa o ne a jelwe ke eng Athe hoseng hola ha a ne a tsoha a se a ntse a kgenne, a ilo kena koloing, o ne a rerile ho leba kae na Moo a neng a rerile ho ngalla teng o ne a tla fihla a re lebaka ke lefe?
Ho ferekaneng ha hae, o ne a phefumoloha haholo, a rabaraba, eka motho ya tshwerweng ke lefu la feberu. A kena ka tlong, a re o nka sejana sa letsopa rakeng, o a nwa, a se thesela ka letsoho ya ba se bjaramana fatshe. A nanabela jeke ya kgalase a re o kga metsi ka yona, ya monyoha ka hara matsoho, ya thueha, metsi a hasana hodima tapeiti.
Ka wona motsotso oo a utlwa modumo wa koloi mane mmileng. Yaba o mathela fensetereng e shebaneng le mmila. Ka baka la ho fihla moo a ntse a bua ka pelo , a thesela mmadikotwana eo Malekupa a neng a lemme thatohatsi ya hae ya palesa ka hare, mmadikotwana wa otlana fatshe, ha dubakana.
A bona mokeretlana wane o fihla o ema o nepane le ha hae. Lehlafi le ka letsohong le letshehadi ho wona la buleha, Malekupa a theoha. Letswalo la mo re he! A tlelwa ke ho makala le ho kgena. Le yena o ne a sa tsebe hore na letswalo leo le bakwa ke eng. Ha re a ilo mo nkisa mokotla, empa a phakisa a inyatsa ka ho re mohlomong Malekupa o tla mo phoqa. A ikgethela ho thola feela, a lebella seo Malekupa a neng a tla se etsa.
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena ho fihlela ho ba ho fihlwa qetong. Lethoko o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke ka lebaka la eng ha a fumana bothata, ha a leka ho etsetsa bana bao e seng ba hae molemo. Hape o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha batswadi ba bang ba sa ka ba tla kopanong ya mohlang oo. ''Banna, eseng hosasa ke tle ke ye ho bolella motsamaisi taba ee. Le teng haeba nka mmolella taba ena ebe ke lebelletse hore a etse eng ka yona, athe bana ha se ba hae ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong Nxa, e re ke se ke ka ya mmolella. Ke se ke tla bona hore na ke sebetsa taba ena jwang.?
Lethoko o ne a sa tsebe letho. Malomafodisa eo e neng e le yena motho ya neng a ba bontsha ditshwantsho tsa baesekopo mahala ka Mantaha, Laboraro le ka Labohlano, ke yena motho ya neng a kentse batswadi moya wa ho re ba se natse kopano eo; ba be ba be kgahlanong le ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu. Lebaka e ne e le hobane o ne a tla hloka bana ba tlang ho boha ditshwantsho tsa baesekopo eo a e bontshang. Lebaka la bobedi e ne e le hobane Lethoko o ne a sa mo rerisa ka ditaba tsa ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu.
Lethoko ha a fihla hae ho tswa kopanong, a fihla a kgathatsehile maikutlo ha bohloko. ''Hao, moratuwa! hobaneng ha o shebahala o sa thaba Kwana le nna ke utlwa ke sa utlwisise hore na ke ka lebaka la eng ha ho ne ho ile batho ba mmalwa kopanong ena. Ke a belaela. Ruri ho na le batho ba leng kgahlanong le rona mona motseng ona.?
Sebolelo, ho thata ho boima, ho a nyolesetsa lerato la ka.'' Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe, mme ba leka ho rarolla bothata bona boo Lethoko a neng a tobane le bona. Qetellong Lethoko a qeta ka ho re o tla qobella bana bohle ba kereite ya leshome le motso o le mong le ba kereite ya leshome le metso e mmedi ho tla balla sekolong ka dinako tse seng di boletswe. Kereite ena ya leshome le motso o le mong yona, o ne a re le yona e tle, e le hore e tle e se ke ya fumana bothata ka selemo se hlahlamang. Ha malomafodisa a lemoha hore Lethoko o qobella bana ho tla bala a tlalehela motsamaisi taba ena. Lekgetlong lena a hla a ala leleme phate e le ka nnete, hobane o ile a ba a bua Lethoko hampe. Ke ho re a hla a mo neta ka nthwena le nthwane.
Ha a se a le moo, a lemoha hore ntho ya hae e ntsho, a tswa a hoshola ka ofising ya motsamaisi. Selemong seo Lethoko a sebetsa ka thata ho ntlafatsa masingwana a sekolo, ka ha le ona a ne a lokela ho tla hlahlojwa pele selemo se fela.
Ha selemo seo se fela, bana ba Lethoko ba kereite ya leshome le metso e mmedi, ke ha ba pasitse tlhahlobo kaofela ha bona. Thabo ya Lethoko e ne e le e ke keng ya lekanngwa.
Lentswe 'halelele' polelong ena, 'Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena ho fihlela qetong', ke lehlalosi la mokgwa. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore se supe lehlalosi la mokgwa. Ngola nomoro le karabo feela.
Lethoko o ne a fihle hae a kgathatsehile maikutlo (-holo) ke ketso eo ya batswadi.
Malomafodisa o ne a lekile (-ngata) ho kgelosa merero e metle ya Lethoko ya ho ntshetsa thuto ya setjhaba pele.
Nehelana ka malatodi (diantonime) a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang, e be o a sebedisa dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena.
Bana ha se ba hae, empa ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong.
Lentswe, 'batswadi' le supa bongata ba 'motswadi'. Nehelana ka bongata ba lentswe 'malomafodisa', e be o le sebedisa polelong eo o ipopetseng yona.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Lethoko o ne a sa rerisa malomafodisa ka ditaba tsa ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu.
Lethoko a tlameha ho qobella bana ho tla bala dihoreng tseo tsa bosiu.
Lentswe 'mme' polelong ena, 'Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe, mme ba leka ho rarolla bothata bona boo', ke lekopanyi. Tadima makopanyi ao o a filweng mona ka tlase, mme e be o a sebedisa dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Polelo ena, 'Lethoko o ne a sa tsebe letho ' e temekisong ya tatolo/kganyetso. Fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Lethoko o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke ka lebaka la eng ha a fumana bothata.
Selemong seo Lethoko a sebetsa ka thata ho ntlafatsa masingwana a sekolo.
Setho sa puo se takilweng mola polelong ena, 'Bana ha se ba hae ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong', ke leamanyi. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore e be leamanyi. Sehella leamanyi la hao mola.
Lethoko o ne a tadimane le taba (thata) e le ka nnete.
Lentswe 'ona' polelong ena, 'Masingwana a sekolo ona a ne a lokela ho hlahlojwa pele selemo se fela', ke leemedi. Tadima dipolelo tse latelang, mme e be o kenya leemedi le lokelang sekgeong se siilweng. Ngola nomoro le karabo feela.
Ha e le moya o ne o se o kentswe batswading mona.
Polelo ena, 'Ke ha bana ba Lethoko ba pasitse tlhahlobo kaofela ha bona', e ho lekgathe lephethi.
Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe ho rarolla bothata boo.
Ke a belaela ke boitshwaro boo ba batswadi.
Bala dipolelo tse latelang ka hloko empa o fadimehetse moelelo wa lentswe le ntshofaditsweng. Sebedisa lentswe lena polelong eo o ipopelang yona ka moelelo o fapaneng le o hlahellang polelong ena.
Ke se ke tla bona hore na le sebetsa taba ena jwang.
Polelong e latelang, 'Motho eo o pelo e tshweu' lentswe 'tshweu' le sebedisitswe moelelong osele e seng wa lekgethi la mmala. Iketsetse polelo ka lentswe 'ntsho' empa le se sebediswe moelelong wa lekgethi la mmala.
<fn>Sesotho HL P1 Nov 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 11.
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Setjhaba ka seng se na le meetlo ya sona e se kgethollang ho ditjhaba tse ding. Meetlo ke boleng ba setjhaba, ke boitlhompho ba sona. Ka lebaka lena, meetlo e fumanwa mafapheng ohle a bophelo: tswalo, kgolo, thuto, lenyalo, dijo, diaparo, boitshwaro le qetello ya bophelo - lefu.
Ho ya ka moetlo, ha ngwana a hlahile ntatae o tsebiswa ka mekgwa e mmedi, ho ya ka ho re na ngwana ya hlahileng ke wa ngwanana kapa wa moshanyana. Ha e le moshanyana, o tsebiswa ka ho shapuwa ke e mong wa banna ba motse. Ha e le mosetsana, ntatae o behelwa taba eo ka ho tshelwa ka metsi ke e mong wa basadi ba behileng mosadi setswetse. Ka mora moo, ntatangwana o hlaba phoofolo eo a ananelang ngwana ka yona. Ka moso ngwana o rewa lebitso le kgethwang ka tlhokomelo e kgolo, hobane Basotho ba dumela hore bitsolebe ke seromo. Motswadi ha a rehella ngwanahae, eba o hlompha eo a rehellang ngwanahae ka yena. Ha ngwana a le kgweding ya bobedi o a kuruetswa, ke ho re a behellwe pula a hlobodisitswe, a lomolwe ka lelomolo la habo.
Kgolo ya ngwana ke taba ya bohlokwa, mme lesea le sireletswa ka mekgwa e mengata. Motswetseng ho hlongwa lehlaka hore batho ba se ke ba kena, esere ba hata ngwana kapa ba ntsha motswetse kotsi. Ka nako ena mmangwana o hahlamelwa ke mahloko ha bonolo, hobane ho thwe o a tjhesa. Ba habo motswetse, ba tlamehang ho kena lehlakeng, ba lokela ho tlabola maoto pele ba ka kena. Hona ho etswa ho bolaya mehlala e mebe, eo e ka nnang yaba ba e tlotse. Basadi ba motse ba thusang motswetse ka ho mo kgella metsi, le ka ho mo silela lesheleshele, ba hlabelwa nku, ho ratholwe, ba tlo ja, ba thabe. Dijo tsena di bitswa pitiki.
Mohla ngwana a fuwang nama, batswadi ba hae ba a mo hlabela, ebe ba kgetha monna kapa mosadi ya kgothetseng, ya itlhomphang, hore a tlo jesa ngwana. Eo o tla hlafuna leqa, ebe o le neha ngwana. Ka ketso ena, batswadi ba lesea ba kgolwa hore ngwana wa bona o tla futsa motho eo wa bohlokwa. Ngwana ha a se a hodile, ke wa batho bohle, mme motswadi e mong le e mong a ka mo roma kapa a mo kgalemela ka thupa.
Ha bana ba fihlile dilemong tse lokelang, ba ya mophatong, moo ba ile ho rupellwa bophelo ba ka moso. Lebollo le tadingwa le le bohlokwa ka ho fetisisa, le ne le bopa botho bo phethehileng. Moetlo ona ke sephiri se seholo, se tsejwang ke ba fetileng teng feela. Basetsana ba bolotswa hara motse, athe bashemane ba bollela naheng. Ha ba ne ba tswa lebollong, ba ne ba e tla ba lahlile dintho tsohle tsa bosawana, tse hlokang boikarabelo. Ba ne ba kgutla e le banna, e le basadi ruri.
Batjha ha ba se ba fetile lebollong, ba ne ba lokelwa ke lenyalo. Mehleng ya pele batswadi ba ne ba kgethela bana ba bona balekane. Bana bao le bona ba ne ba kgotsofalla kgetho ya batswadi ba bona, hobane ba ne ba dumela, mme ba utlwisisa hore batswadi ba tseba ditaba ho ba feta, le ho re ha ho motswadi ya ka kgethelang ngwana hae molekane ya sa mo kgotsofatseng.
Le ha ho le jwalo, ho ne ho ntse ho etsahala hore ka nako e nngwe morwetsana a se ke a kgahlwa ke mohlankana eo babo ba ratang ha a mo nyala. Ha taba di le jwalo, morwetsana o ne a tlangwa ho ya bohading boo, boo a sa bo rateng. Ha babo mohlankana le babo morwetsana ba dumellane, ho ne ho ntshwa dikgomo tsa bohadi. E ne e le moetlo o tiileng, hlooho ya motho e phethelwe ha ho thetheswa bohadi, ebe hona ho ka hlabiswang. Hlooho eo e ne eba e phethilwe ha ho tswile kgomo tse leshome. Lenyalo la Sesotho le phethahala feela ha ho tswile dikgomo tsa bohadi.
Bohadi ke motheo wa lelapa la Mosotho, mme ha bo sa ntshuwa, lenyalo ha le yo. Ke moo re yeng re utlwe dipuo tse kang 'ke mosadi ha a nyalwa', ho bolelwa ntho eo e seng ya nnete, di supa bohlokwa ba moetlo ona setjhabeng. Ha bohadi bo kgaohile, ho ne ho ye ho lokisetswe hore morwetsana a iswe bohadi. Ha ba habo mohlankana ba sa kgotsofatswa ke motho ya tswa nyalwa, ka mabaka a itseng, bohadi bo ne bo hlahlwa, mosetsana a busetswe ha habo, le dikgomo di busetswe ha habo mohlankana. Ketso ena e ne e le tlontlollo e kgolo.
Ke tshwanelo ya rona ho rata le ho boulella meetlo ya rona, hobane ke lefa le tswang botebong ba bohlale ba baholoholo ba rona le re kgethollang, le re etsang setjhaba hara ditjhaba tse ding.
Tema ena e itshetlehile hodima taba e itseng. Nehelana ka sehlooho sa ditaba tsa tema ena ho ya ka kutlwisiso ya hao.
Ntle le basadi ba behileng mosadi setswetse, ke batho bafe ba bang ba yeng ba dumellwe ho kena ka motswetseng ho sa hlonngwe lehlaka?
Hobaneng ha motswadi e mong le e mong a na le tokelo ya ho roma kapa kgalemela ngwana eo e seng wa hae?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsee, o ka re molemo wa meetlo setjhabeng ke ofe?
Tema ena e ka hodimo e akareditse ka tatellano mehato e MENE ya bophelo ba motho. Bolela mehato eo ka ho latellana ha yona.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao hobaneng ha Basotho ba sa ananele lenyalo leo ho sa ntshuweng bohadi ho lona?
Ke eng seo mongodi wa tema ee a se bolelang ka mantswe aa: 'bitsolebe ke seromo' Hlalosa ka puo e bonolo?
Batjha ba mehleng eo ya kgale ba ne ba amohela jwang tlwaelo ya ho kgethelwa molekane ke batswadi?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema ena, hlalosa kamano e teng dipakeng tsa lebollo le lenyalo.
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
FETISA karete makgetlo a mangata, MOPUTSO o be moholo.
Meputso ke e fetang R600 000 e ka hatjwang, ho kenyelletswa R20 000 kontane, Maeto a mafelo a beke, dikhemera tsa dijithale, di-'Ipod' le tse ding.
Ka nako tsohle ha o fetisa karete ya hao ya kerediti ya Standard Bank pakeng tsa1 Loetse le 30 Pudungwana 2007, o tla kenyelletswa tlhodisanong. Fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata, moputso o be moholo.
Fetisa karete ya hao ya kerediti motjhineng makgetlo a 25 kapa ho feta hore o be le seabo.
Papatso ee e reretswe bomang, mme hobaneng ha o realo?
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla haholwanyane ka tlhodisano ee?
Mantswe ana 'fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata,' a hlahella kgafetsa papatsong. Lebaka la ho etsa see ke lefe?
Bolela hore na polelo e latelang ke nnete kapa mafosisa, o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang.
Hlalosa hore na polelo e latelang ke mohopolo kapa ke ntlha, mme hobaneng o realo.
Fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata, moputso o be moholo.
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90, ka tsela ya seratswana e hlahisang dintlha tse supileng. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ka ha taba tsa bophelo ha di ke di be monate ka nako tsohle, ha fihla nako eo ho ileng ha etsahala ntho e ileng ya ferekanya Dikeledi haholo. Ngwana a ferekana moo a reng jwale bophelo bo se bo theohela ha monate, ka baka la ketso ena e soto e ileng ya mo etsahalla. Empa pele re kena ho tseo, re tla hlalosa tse ding tse ileng tsa etsahala ka yona nako ena e tshositseng Dikeledi. Hoja ho sa ka ha etsahala tseo, mohlomong tsena tseo re neng re re re tla qala ka tsona e ka be di ile tsa hla tsa ba mpe haholo.
Sekolong kwana Dikeledi e ne e le ngwana ya hlwahlwa haholo, ya kgothaletseng dithuto tsa hae. Jwale he, jwalo ka ngwana e mong le e mong, bophelo e ne e se ba buka feela. Ha sekolo se etswa, o ne a tsamaya le metswalle ya hae ho leba lapeng. E tla re ha ho ntse ho tsamauwa jwalo, ho nne ho etsahale hore thaka tsa hae di kopane le bashemane, ba bonye, mohlankana a ikgethele kgarebe, le kgarebe e dumele taba tsa hae, kapa e di latole.
Ho ile ha etsahala hore moshemane e mong ya kenang sekolo le Dikeledi a di behe fatshe ho Dikeledi taba tsa hae, empa ka baka la ho tshaba bashemane, o ile a le tipatipa ho ya lapeng, a ba a bolella rakgadiae. Rakgadiae o ile a mo halefela haholo ka ho re a se bonye le bashemane. Moshemane a nna a ipeha ka mora Dikeledi, a sa nyahame, a sa tele. Banana ba bang ba ne ba dula ba mo jele ditsheho, hobane bona ba ne ba se ba tshwasitse tlhapi tsa bona mme ba ntse ba leka hore Dikeledi a dumele moshemane enwa. Ka bomadimabe o ile a qetella a ile le kgongwana hodimo, mme a kgahlwa ke none e hlotsa ka ho dumela mohlankana enwa.
Dikeledi o ile a ratana le semomotela sena sa mohlankana. O ne a sa tsebe hore moshemane enwa ke thatohatsi bananeng. Ka nako tsohle o ne o mo fumana hara thwetsana. O ne a ena le kgarebe tse ngata motseng moo. Ka tsatsi le leng o ile a qobella Dikeledi ho sala le yena ka phaposing ya borutelo. Ke moo a ileng a qobella Dikeledi ho mo suna mme a qetella a mmetile. Ka bomadimabe Dikeledi o ile a ya tliliniking ho ya etsa diteko tsa tshwaetso mmoho le tsa ho ima. Ho fumanehile hore Dikeledi o ile a fumana tshwaetso ena ya mafu a bakwang ke Kokwanahloko e Hlaselang Masole a mmele mothong kapa yona HIV ho ya ka moo batho ba bangata ba e tsebang ka teng.
Bala tema ena o be o arabe dipotso tse e latelang.
Hoba Mmanthintshane a tsamaye sebaka se selelele tlasa moriti wa mosi oo, yaba o boela hape a hlahella kganyeng ya letsatsi. Batho bohle ba Ntsukobokobo, ba ne ba nahana hore ke bosiu ho ya ka moo ho neng ho le lefifi ka teng. E ne e se lefitshwana, ho hlile ho le ho tsho ho re tsho! Ha a fihla tlhorong ya thaba, Mmanthintshane o ile a makalla ho fumana hore letsatsi le sa tjhabile. O ile a boha botle ba leru le neng le entswe ke mosi o neng o okametse motse wa Thabananthere.
O ile a tshoswa ke botsho ba mosi oo, le hoja o ne o e entse leru le letle hakaalo. 'Kgidi, mohlolo ruri. Ha eka letsatsi le tjhabile tjee Ruri motse wa rona o tlilo welwa ke koduwa e tshabehang. Ke lokela ho potlakela dinako ke ilo lata ngwana wa ka jwale. Ke a kgolwa Kgosokgoso o se a qetile mosebetsi.?
Ka nako ena Kgosokgoso o ne a kwebetelletse Mosa fatshe mme a batla nnete. O ne a halefa motsotso le motsotso ha a bona Mosa a ntse a fellwa ke matla. Mosa o ne a hototse mahlo, a a tsweretse sa tweba e jele tjhefu. Le hoja badisana ba bang ba ne ba tshaba ho ya bona se etsahalang, empa e itse hang ha ba utlwa sello sa Mosa se re nyele! yaba ba hlaha matswapong a mafika ho bona se etsahalang. Mosa o ne a sa sisinyehe le ho sisinyeha moo a neng a tjapalletse teng. Ka nako yona eo Mmanthintshane a hlaha letswapong le leng moo a neng a nahana hore o tla bona ha ho bolawa Petswamajweng. A fumana Mosa a tjapalletse fatshe. Mosa o ne a sa shwa hoba o ne a sa phefumoloha.
Basadi! Mehlolo ke eo Bataung. Jo! Ngwanaka a shwa!
Ha eka ke Mosa eo ya tjapalletseng fatshe' A botsa ka ho makala. 'Ka tla ka ikenya mathateng, basadi.?
Na Mosa o tla phela' Ho botsa Petswamajweng ka mosa. Mmanthintshane a araba Petswamajweng ka ho re: 'E, Mosa o tla phela.' A tswela pele ho botsa hore na ho etsahetse eng hore a be jwalo?
Petswamajweng, potlaka kapele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane. Ruri ngwanaka o se a holofalletse ruri. Ya tla nqaka ena taba.'
Lentswe le ntshofaditsweng polelong ena, 'Hoba Mmanthintshane a tsamaye sebaka se selelele ' ke lekgethi.
Ngola makgethi a kentsweng ka masakaneng sebopehong se nepahetseng dipolelong tse latelang ho phethahatsa moelelo wa tsona. Ngola karabo feela.
Mmanthintshane o tsamaile tsela (-lelele) haholo ho ya metebong.
Mmanthintshane o ile a makalla lefifi (-tsho) hakaalo ha a fihla moo.
Lentswe 'botle' polelong ena, 'O ile a boha botle ba leru ' ke lebitso (le bopilweng ka motso wa lekgethi '-tle').
Bala dipolelo tse latelang mme e be o ngola mantswe a ka masakaneng sebopehong se nepahetseng. O ka ngola nomoro le karabo feela.
Mosadi eo a fihlelwa ke (-tshaba) ya hore Mosa o shwele.
Hoo e ne e se e le (-holofala) ya Mosa hobane a ke ke a hlola a kgona ho sebedisa letsoho leo hape.
Lentswe 'Jo!' ke lelahlelwa polelong ena, 'Jo! ngwanaka a shwa!'. malahlelwa a lokelang dipolelong tsena tse latelang.
aha!; kgele!; be!; itjhu!
e mobe eo motho, a batla a mpolaela ngwana ka sehloho!
Sebopeho sa leetsi polelong ena, 'Ka tla ka ikenya mathateng ' le supa boiketsi. Lokisa sebopeho sa leetsi dipolelong tse latelang ka ho le ngola ka tsela eo polelo ka nngwe e phethahatsang moelelo. Ngola karabo feela.
Mmanthintshane o hlile a (-bakela) mathata ka ho leka ho bolaya Petswamajweng.
Ha e le Mosa yena o (-entse) ka ho se balehe le ha a bona kotsi eo e tla e mo tobile.
Ngola dipolelo tse latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Mahlo a a tsweretse sa tweba e jele tjhefu.
O ne a halefa motsotso le motsotso ha a bona Mosa a ntse a fellwa ke matla.
A ke o ipopele nyenyefatso ka lentswe 'moriti' mme o be o le sebedise polelong ya hao ho supa nyenyefatso.
Polelo ena, 'Mmanthintshane a araba Petswamajweng ka ho re: 'E, Mosa o tla phela' ke puo e qotsitsweng ya sebui. Pheta se buuwang ke polelo e latelang ka ho e ngola puopehelong.
Petswamajweng, potlaka ka pele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane.
Qala polelo ya hao ka mantswe ana: Mmanthintshane a kopa...
Petswamajweng, potlaka kapele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane.
Nehelana ka malatodi/diantonime tsa mantswe a ngotsweng ka botsho dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Batho bohle ba ne ba nahana hore ke bosiu ho ya ka moo ho neng ho le ka teng ka ntle.
Eitse ha a fihla tlhorong ya thaba, a ka a dula fatshe pele.
Dipolelong tse latelang ho na le tshebediso e fosahetseng ya mahokedi. Badisisa polelo ka nngwe e be o e ngola botjha o se o lokisitse phoso eo ntle le ho fetola moelelo wa yona. Sehella lehokedi leo le lokisitsweng mola.
E mong wa badisana bao ba neng ba alositse motebong letsatsing leo ba tseba hantle ka morero wa ho bolaya Petswamajweng.
Mmanthintshane o fihlile ha Kgosokgoso le Mosa ba ntse ba kwebetellane fatshe moo motebong haufi le badisana, mme ba boha ntwa eo ho fihlela pheletsong.
Lentswe lena 'kgolwa' le ka sebediswa dipolelong tse mmalwa tse totobatsang meelelo e fapaneng. Le sebedise polelong tse PEDI tse totobatsang meelelo eo e fapaneng.
<fn>Sesotho HL P1 Nov 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o e na le maqephe a 7.
Ka mora boikwetliso ba Dispringbok/letsatsi pele ho papadi ya bona/Letsatsi pele ba kopana le Australia/thapama/Ka la 25 Motsheanong 2005.
Ke ho kgothalletsa babadi ho ba le moya wa poelano kapa ho kgothalletsa babadi ho ba le lerato la papadi ya rugby kapa ho phahamisa dibapadi tsa Dispringbok. /Ho fedisa kgethollo ya merabe/Ho bontsha hore Maporesident Mandela o ne a kopanya merabe e fapaneng.
O ne a ilo kgothatsa le ho tshehetsa sehlopha/Batho ba be le moya wa poelano ho tshehetsa le ho kgothatsa sehlopha sa Dispringbok.
Ho tla ba hobe/ho tla dubeha/ho tla ba moferefere./Ho tla nkga ho sa bola/Ho se ngwana e motle./Ho tla ba thata/Ho tla senyeha.
Re a le tshehetsa/Ho ba thusa.
E ne e le mohopolo feela v hobane o ne a se na bonnete ba ho re dihlopha tse ding di tla bapala jwang. /hobane seo ho buwang ka sona ha se so etsahale.
Di tsosa moya wa poulelo le wa ho tsotella dihlopha (batho) tsohle ka hara naha. v Tema e bontsha ka moo moporesidente a ileng a kgathalla sehlopha seo boholo e neng e le sa Makgowa a se bontsha hore ke karolo ya naha le sona.
E, di a e ama v. Ho bolelwa hore Dispringbok e ne e le sehlopha sa Makgowa feela ntle le motho e motsho a le mong to, naheng eo boholo ba baahi e leng batho ba batsho. vv (Moithuti a ka nna a re, ho jwalo/ke nnete) Lebaka le leng mohlahlobuwa a ka re Moporesidente a ba hopotsa hore naha ena key a rona bohle.
Di fapana ka boholo vv le mmala ka sebopeho vv Setshelo se seng se tshetse low fat ha e nngwe se sa ngolwa low fat/Setshelo se seng se ngotswe ka mongolo o moholo ha se seng se ngotswe ka mongolo o monyane.
E nnyane mme e tshwareha ha bonolo.
Ha e na mafura a nontshang.
E na le mafura.
Ho kgothalletsa bareki ho reka sehlahiswa sena./Ho hohela bareki/ho rekisetsa/fihlella bareki ba fapaneng.
Thabo o ne a apere hantle mohla nyewe yahae le mosadi wa hae Maleshwane. Maleshwane le bana ba ne ba apare diaparo tse tswapohileng. Thabo o ne a shebuwe hampe ke batho bohle ba neng ba le ka lekgotleng la dinyewe. Maleshwane o ile a bolella lekgotla hore Thabo o lonya ha a rekele bana dijo. Mokomishenara o ile a re bopaki boo Maleshwane a faneng ka bona ke ba nnete. Mokomishenara o ile a diha nyewe. Thabo o lokela ho lefa diranta tse lekgolo ka kgwedi.
Kabo ya matshwao: 1.
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo, mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Lehloyo/lehloo v ho bonahala lehloyo e le lona le renang dipakeng tsa batho bana. v (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'lehloyo' polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona.
Lerato le fokolang le moyafala hang ha le fihla mohoding o teteaneng.
Taba eo ha e fihla ho/ha moruti ya hla ya baka pherakano e kgolo.
Bohlanya le bokako di thibelwa/thijelwa ke melao e metjha naheng ena.
Bohlanya le bokako naheng ena di thibelwa/thijelwa ke melao e metjha.
Ke lenyalo lefe le tjhetjhiswang anthe mohlankana ke eo o kwenehetswe ke morwetsana.?
Ho bonahala ho na le karohano dipakeng tsa Lucie le Rasello. (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'karohano/ho arohana' polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona mme ho arohanya motshwayi a hlokomele hore e sebediswe jwalo ka lebitso.
Kgoeletso e etswa makgetlo pele ho lenyalo la baratani. (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'kgoeletso/ho hoeletsa polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona mme ho arohanya motshwayi a hlokomele hore e sebediswe jwalo ka lebitso.
Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ha se ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela.
Ha se lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Lucie le Rasello morao.
Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a se busetse lenyalo la Lucie le Rasello morao.
Motshwayi a hlokomele hore mohlahlobuwa a ka ngola 'hase' mona mme a abelwe letshwao le le leng.
Rasello o lla ka ntshi mme mookgo/meokgo ha o/e tswe.
Motshwayi a fane ka matshwao a mabedi ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'meokgo' polelong.
Moruti o amohetse lengolo v le mo kopang v hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao.
Ho bolelwa hore baratani bao bobedi ba ... arohane, ha ho sa okgelanwa mollo.
Lucie a mpe a kgutlise maikutlo tabeng ena hle.
Motho a bolella /jwetsav (ntate) moruti hore jwale ena/(eo) taba e ba emisa dihlooho.
Motho a re ho ntate moruti jwale ena/eo/eno taba e ba emisa dihlooho.
<fn>Sesotho HL P1 Nov 2009.txt</fn>
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ka la 25 Motsheanong 1995, Dispringbok kapa 'Amabokoboko' ka moo balatedi ba ratang ho thoholetsa ka teng, di ne di lokela ho fatelana makwatsi le bompodi ba lefatshe Australia mane Cape Town. Papadi eo e ne e le e tla lelekela dipapadi tsohle tsa mantshano mohopeng oo wa lefatshe. Letsatsi pele ho papadi eo, sehlopha se ne se ile sa kgobokana Silvermine, kampong ya kgale ya masole ka hara serapa sa diphoofolo se alehileng hara dithaba hlohleng ya Kapa (Cape Peninsula). Mona Amabokoboko a ne a hlomme kampo ya nakwana ya boikwetliso.
Silvermine ke e nngwe ya dibaka tse ntlentle, tse kgahlang mahlo mona Afrika Borwa. Ha motho a lahlela mahlo ka nqa ya Botjhabela, o bona hlohla ena ya Kapa e le tshesane sa theka la mmamodukule. Ha o boela o a betsetsa Leboya, o hlollwa ke botle ba Table Mountain e apesitsweng ke lesira le le pudutswana la mesi le meya ya thapama. Teng ha o re mahlo tloha o a lebisitse Leboya, o teana le marallana le lehwatatanyana le saballetse ho ya mane moo lewatle la India le akanang le la Atlantic teng. Ka hohle e le dilomo, meru e kopaneng, diphulana tse memang mahlo le lewatle.
Sehlopha se ne se qeta ho phethela boikwetliso ba thapameng eo, ha hanghang sepakapakeng ho utlwahala ho rora ha helikopotara e kgolo ya sesole. Ya tla jwalo e ntse e reketlisa lehodimo ya ba ya fihla ya re tsora! Dibapadi tsa lebella ha mopresidente Mandela ka seqo a theoha ho yona. O ne a itjele ka mokgwa o mona wa hae, ka hempe e ntle e lepelletseng ka hodima borikgwe. A tla a natlaila sa morena wa diphoofolo, a bile a se a ntse a bososela. Dibapadi tsa mo kgahlanyetsa ka thabo e kopaneng le tshabonyana. Ba fihla ba mo homela jwalo ka boraditaba. E mong le e mong a batla ho mmonela haufiufi.
Ka mokgwa o mona wa hae a etsa motlae o ileng wa keketehisa sehlopha sohle haleletsana. Morne du Plessis, molaodi wa sehlopha, a ba kgutsisa hore ba fe mopresidente sebaka sa ho bua le bona. O ile a qala puo ya hae ka ditaba tseo a atisang ho di bua ha a tshetlehela Makgowa puo; a ba hopotsa hore naha ena ke ya rona bohle. Ka nako ena sehlopha sena e ne e le Makgowa feela hobane Chester Williams o ne a le siyo ka baka la ho tswa kotsi.
Le thulana le bompodi ba lefatshe hosane, tangtang e tla kgangwa ke lerole. Sehlopha se tla hlola hosane, se tla iphetela mohwalotso feela ho ya fihla makgaolakganng. Jwale le na le monyetla o motle hore le sebeletse.
Afrika Borwa mme le kopanye setjhaba sa rona. Ho ya ka matla le bokgoni ba lona, ha ho phephetso e ka emang ka pele ho lona lefatsheng lohle. Hape re bile re bapalla hae mme ka hoo le ka botleng. Hopolang sena ka mehla, kaofela ha rona, ba batsho le ba basweu, re le eme nokeng.
Dibapadi tsa etsa ditlatse tsa mo hlaba ka mahofi. Ka mora moo mopresidente Mandela, a ba pota ka bonngwe a ntse a ba tshwara ka letsoho ebile a buabua le sebapadi ka seng.
O ile a re qabola ha a mpotsa hore hobaneng ke apere hantle hakaalo ha ke tlilo kopana le yena,'' ho hopola Du Plessis. ''Se neng se makatsa kopanong eo ya rona le yena, ke leredi le kgohedi eo a nang le yona. Dibapadi di hlile tsa mo amohela ka tse pedi.'
Nehelana ka lentswe temeng ena le bontshang hore dibapadi di ile tsa bokanela mopresidente ka thahasello e kgolo.
Sepheo sa mongodi ka tema ena ke sefe?
Lebaka le neng le etsa hore moporesidente Mandela a etele sehlopha see ke lefe?
Bolela ntho e le nngwe temeng ena e re tiisetsang hore e feela Silvermine e le Kapa.
Tangtang e tla kgangwa ke lerole.
Re le eme nokeng.
Sheba polelo ena: 'Sehlopha se tla hlola hosane, se tla iphetela mohwalotso feela ho ya fihla makgaolakganng'.
Ebe se bolelwang ke polelo ee ke ntlha kapa ke mohopolo feela Nehela ka lebaka la karabo ya hao?
Ditaba tsa tema ee di bopa maikutlo a mofuta ofe ka hara babadi Hobaneng o realo?
Na o ka re ditaba tsa tema ena di ama kgethollo ya mmala Tiisa karabo ya hao ka ntlha e hlahang temeng ena?
Sehlahiswa se bapatswang papatsong e ka hodimo se hlahiswa ke bahlahisi bafe?
Haeba o le mmapatsi kapa morekisi khampaneng ee, o ne o tla sebedisa dintlha dife tse pedi ho kgothaletsa kapa ho susumetsa batho ho reka Yogi Sip efe (e ka letsohong le letshehadi kapa e ka ho le letona)?
Seo baphatlalatsi ba rerileng ho se fihlella pheletsong ya ditaba ka papatso ee e ka hodimo ke sefe?
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90. Dintlha e be tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Letsatsi la nyewe la fihla le sa hane. Ke ile ka fella ka hara sutu ya ka ya mekete. Ke ne ke jele koto ha ke kena lekgotleng la dinyewe. Ka bomadimabe ketso eo ya ka ya nkenya tshotso dinaleng hobane mohlang oo, Maleshwane o ile a hlaha kgotla a tenne diaparo tse tswapohileng ke letsatsi. Bana ba hlaha ba tabohetswe ha bohloko hoo ba ileng ba makatsa le nna ntata bona. Ya eba lehomohomo ka lekgotleng ha ho bonwa batho bana ba makatsang hakana. Ha nyewe e qala, Maleshwane a se kgitla sa mmokotsane ha a bolella lekgotla ka moo ke leng kgopo ka teng, ke leng lonya hoo ke hlolehang ho rekela bana ba ka se yang ka maleng. Komishenara o ne a ntswepetse mahlo ha Maleshwane a ntse a itlhokofaditse tjena. Ho bonahala hore batho bohle ba ne ba kgolwa seo a se bolelang. Ke ile ka tlelwa ke dihlong.
Ha nako e fihla ya ho re ke bue se hanyetsanang le bopaki boo Maleshwane a fanneng ka bona pela lekgotla, makgiseterata o ile a ntjamela nakwana ntle le puo. Ho ne ho bonahala hore o a ntlhoya. Yare e le neng, ka utlwa a se a re, ''Ekaba ho na le bopaki boo o ratang ho bo beha pela lekgotla lee'' Ke omme feela ka hlooho. ''Tswela pele ka bopaki ba hao.'' A realo jwalo ngwana Lekgowa a swentse ka sefahlehong?
Ha ke qala ho ahlamisa molomo wa ka, ke ile ka hla ka elellwa hore ha ho motho le ya mong ya kgolwang seo ke ntseng ke se bolela. Ha ho fihla nako ya hore makgiseterata a dihe kahlolo, ka fihlelwa ke tshabo. ''Ha ke lekola bopaki boo ho fanweng ka bona pela lekgotla lena, ka fumana hore Maleshwane Mokwena, o atlehile ho fana ka bopaki ba nnete ntle le pelaelo. Ka hona, Thabo o tla lokelwa ke ho lefa diranta tse lekgolo ka kgwedi ho ya ka moo Maleshwane a kopileng ka teng. Haebe ho na le seo le ratang ho se lokisa se sa bolelwang lekgotleng lena, nka thaba ha le ka lemosa lekgotla ka sona.
E ne e se e le shwalane ha batho bao ba arohana mmileng o fetang tlasa habo Rasello. Lerato ha le mengwe, le a imema, le itlisa mabaka a fokola kapa a le maholo. Ka nako e nngwe diketso tsa lona ekare tsa tshintshi e dulang dijong tse ithatang empa e qeta ho tloha dinthong tse nyonyehang. Ha le a fapana ha kaakang le lefu le sa kgetheng mofo ho morena, morui ho mofutsana, ya lokileng ho ya sa lokang, e moholo ho e monyenyane.
Phirimaneng eno lerato la ipontsha mokgwa wa lona. Marothodi a meokgo e rothang ka marothodi a matenya ya theoha ka motjheso seledung sa Rasello. Motjheso wa lerama la motswala wa fetela pelong ya Rasello. Ba ferekana bao batho!
Pelo e nngwe ya re ho monga yona, ''hantle na o tseba seo o se etsang'' O hlolwa ke moleko ha bonolo hakaale molato wa hao ke ofe'' E nngwe ya re, ''se etsahetseng se etsahetse, ha ke na matla a ho thiba sefefo; ha le dumme le dumme. Ha se nna ke itseng Rasello a kwenehelwe ke Lucie. Ha se nna ke itseng '' O ne a ka ya kae motho wa lefatshe, wa nama le madi ha a tlamilwe ke ketane ya lerato ka moo ho seng ho hlalositswe matla a sefefo sa lona Ha ho ntho e ntjha, ke tsa kgale kaofela. Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ke ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela; ha le kena kapa le tswa, lerako la tshepe ke lefeela?
Mantswe ana a ile a buuwa ke moruti le batlatsi ba hae ha ba qeta ho bala lengolo la Lucie ka maswabi a maholo. Ba re ba sa tswa bua jwalo, motho a fihla ka lengolo le tswang habo Lucie. Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao, hobane morwetsana ha a phela hantle; a mpe a lebelle bona babo Lucie ha a thusehile. Jwale batho ba batho ba dubeha dikelello, ba hwerehana ha bohloko, bao batho! Motho a re, ''ntate moruti, jwale ena taba e re emisa dihlooho. Se etsahalang se a re tsekedisa. Ho thwe o tjhetjhise lenyalo lefe jwale anthe morwetsana ke eo o kwenehetse mohlankana Ho kula ha hae le ho se kule ho sa na le taba efe ha jwale?
E mong a re, ''le ha ho thwe ho robala ke ho fetoha, phetoho ya mofuta ona ha e kene maikutlong a ka, ke e ratang kapa ke sa e rateng. Ha ke tsebe letho hona jwale empa le tla mpotsa; haufi re tla utlwa mehlolo. Motse ona jwale ho fihla moo o re makatsang; melao e metjha e thibela bohlanya le bokaako naheng ena, empa ha eka jwale batho ba hlanya ho feta maobane tjee Motho a saene, a tlohe a kwenehele seo a se saenetseng! Bana bana ba hlomme lenyalo hona mahlong a rona; moruti o le hoeleditse ka tshwanelo; ha a qeta e mong o se a hlala?
Lentswe 'morui' ke lelatodi (antonime) la lentswe 'mofutsana'. Nehelana ka lelatodi/atonime la lentswe 'lerato', o be o le sebedise polelong eo o ipopelang yona.
Polelong ena, ' ya theoha ka motjheso seledung sa Rasello ...' lentswe 'seledung' ke lehlalosi la sebaka. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore se supe lehlalosi la sebaka.
Lerato le fokolang le moyafala hang ha le fihla (mohodi) o teteaneng.
Taba eo ha e fihla (moruti) ya hla ya baka pherakano e kgolo.
Polelo ena, 'Mantswe ana a ile a buuwa ke moruti le batlatsi ba hae ' e ho boetsuwa. Fetolela dipolelo tsena tse latelang boetsuweng, empa o sa fetole moelelo wa tsona.
Melao e metjha e thibela bohlanya le bokaako naheng ena.
Ke lenyalo lefe le tjhetjhiswang anthe morwetsana ke eo o kwenehetse mohlankana?
Lebitso lena, 'marothodi' polelong ena, 'Marothodi a meokgo e rothang ' le bopilwe ho tswa ho leetsi '-rotha'. Ipopele mabitso ka mantswe ana a latelang o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Polelo ena, 'Ha se nna ke itseng ' e temekisong ya tatolo/kganyetso. Fetolela dipolelo tsena tse latelang tatolong/kganyetsong.
Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ke ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela.
Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao.
Lentswe, 'mehlolo' le supa bongata ba 'mohlolo'. Nehelana ka bonngwe ba lentswe 'meokgo', e be o le sebedisa polelong eo o ipopetseng yona.
Tadima dipolelo tse latelang, e be o di sebedisa ho bopa polelo (polelomararane) e le nngwe e telele. Se fetole moelelo wa tsona.
Moruti o amohetse lengolo.
Lengolo le kopa moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao.
Ngola dipolelo tsena tse latelang hape empa o kenye lentswe (lehokedi) le siilweng polelong e nngwe le e nngwe.
Ho bolelwa hore baratani bao bobedi arohane, ha ho sa okgelanwa mollo.
Lentswe lena 'tswa' polelong ena, 'Ba re ba sa tswa bua jwalo ' ke lethusi. Sebedisa mathusi ana a latelang dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Polelo ena, 'Motho a botsa moruti hore ho thwe a tjhetjhise lenyalo lefe ' e ho puopehelo. Fetola puo ya mmui e latelang mme o e ngole puopehelong.
Motho a re, ''ntate moruti, jwale ena taba e re emisa dihlooho''.
<fn>Sesotho HL P1 Prep Memo 2008.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 5.
Dikgwedi tse tsheletseng.
Ho sosobana ha tsona. 9Monko wa tsona.
Ka thoko ho toropo mmileng o moholo o kenang toropong.
Ho sosobana ha diaparo le ho se di apare nako e telele ya dikgwedi tse tsheletseng.
Ho se battle ho ba le kopano le/ho qwaya mapolesa.
Dikgwedi tse tsheletseng.
Ho toboketsa (tiisa) kapa ho matlafatsa mohopolo ona wa tokoloho eo a e labalabelang.
Ho bontsha kapa ho supa hore le sebedisitswe ka moelelo o mong oo e seng wa sethato kapa oo re o tlwaetseng.
O kopa dijo kapa ho phomosetswa ka ho hong ho itseng.
" ha e le mona Basotho bas a utlwisisa ha monna wa motsamai a kopa "metsi".
Tumelo o tswa ditlamong tsa tjhankane mme o labalabela tokoloho9athe maoto a hae o na batla tokoloho ya ho se kenngwe ka dieteng9hobane Tumelo o ne a sa rwale dieta ha a ne a le tjhankaneng.
Ho arohanya manamane le bomma ona.
Ditshebeletso tsa banka ena.
Bophelo ba lelapa.
Ho bona motho wa mme ka tsela ya hore ke yena feela ya lokelang ho etsa mosebetsi wa ho hlwekisa lelapa ke tjhadimo e leeme. 99Ditho tsa lelapa tsohle di lokela ho arolelana mesebetsi ya lelapa.
Tjhe, 9ha ba a nepa hobane tjhadimo ena ya ho bona ditaba ka tsela ena e leeme.
Ho dula feela a ipalle koranta.
ELA HLOKO: Kgothaletso ke hore barutwana ba ngole ka dintlha. e seng ka ditemana.
Tshwaya ho ya ka dintlha tse boletsweng - tema ena ke mohlala feela.
Batho ba re mosebetsi wa ho ruta ke wa batho ba botswa. Ba re matitjhere a fumana tjhelete e ngata, empa ho se empa ho se mosebetsi oo ba o etsang.
Ba hloka tsebo ya hore ho batleha boikarabelo mosebetsing wa ho ruta. Ha se nnete, ngwana o fihla sekolong a sa tsebe letho, e be o a rutwa.
Qetellong ngwana a kgahlwe ke titjhere, ho ya ka moo e mo rutileng.
Bothata ha di kwetswe, batswadi ba re di bulwe bana ba suthe pela bona. Ba itshireletsa ka ditokelo.
Tsietsi a nna a nyoloha jwalo, noha e tala ke ena.
O ile a otlana ha bohloko Tsietsi.
Tsietsi a kgetha lekala le hodimo.
Tsietsi o ne a tshwere ropo e telele 9haholo.
Tsietsi a fihla a hlwella lekala le lesesane.
Tsietsi o ne a batla ho ipolaya hobane a hlokile ya mo eletsang.
Tsitsi o ne a hloka hore a thuswe pele a etsa seo.
Tsietsi a tla a tenwa ke moleko ona wa noha.
Lekala le letle la ho phetha morero la fumanwa ke Tsietsi.
Tsietsi ha a bososele ha a kena morunyaneng.
Ha a ka a otlana fatshe ha bohloko.
Eitse ha ropo e tiya ha hla ha ba lefifi mahlong ho Tsietsi.
Hona haufi le sefate seo ho ne ho na le sefifi sa phoofolo e shweleng mme ho nkga sebodu.
Ba habo Tsietsi ba ne ba aparetswe ke bofifi ka mora lefu la hae.
Tsietsi o tenwa ke batho ba mona ba mo honohelang.
Tsietsi ha fihla mona tlasa sefate se setle a thaba haholo.
<fn>Sesotho HL P1.txt</fn>
Araba dipotso KAOFELA. Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo (Karolo ya A, B le C).
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme ho sehwe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola pakeng tsa potso e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho ebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le ha eba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Le kajeno Mohau o ntse a sa bo hlothe. Jwale ke hona a utlwang hantle hore o hlile o lahlehile. Ho hlakile hore bophelo ba hae bo ke ke ba hlola bo tshwana le ba pele. Hohang bophelo ba hae bo fetohile, mme o tla lokela ho itlwaetsa bona bo botjha. A tadima nako, mme a fumana e eme metsotsong e mashome a mararo ka mora hora ya bosupa. E se e le motsheare. Mehleng e ne eba o se a nwele teye ka nako ena. E ne eba o se a ntse a letsa molodi ka ntle ka kwana, a ipinela difela ka thabo. Matsatsing ana molodi o hana ho hlaka. Ho bosula.
Mohau a tadima leboteng, mme a bona ditshwantsho tse moo di le jwalo ka ha eka o qala ho di bona ha esale. Seo ke moo ba leng babedi le mohatsae ha ba ne ba le Thekong kwana, lewatle. Ba tenne diaparo tsa ho sesa. A ko bone ka moo ba leng batle ka teng! Ba tshwaneleha ho tshwaneleha. Sane ke moo ba leng mane lebaleng la dipapadi. O tenne borikgwe bo bokgutshwane. O hopola ka moo taba eno ya borikgwe bo bokgutshwane e neng e batla ho iphetola qaka ha a ne a fihla mona. Ho ne ho thwe moruti ha a tshwanela ho bonwa a tenne borikgwe bo bokgutshwane. Lekgotla le bile la tlameha ho dulela taba ena fatshe. Basadibaholo ba ne ba lomahantse meno, ba re ha se toka le tshwanelo hore moruti a pepese dirope ka ntle. Ba ne ba haketse, ba re hoo ke ho itlhompholla setjhabeng.
Phutheho e tla reng, moruti' ba ile ba realo. 'O tsebe hore jwalo ka moruti, o modisa wa setjhaba sena. Setjhaba sena ke bana ba hao. Ba tla reng ha ba se ba bona ntata bona a tsamaya a behile mephekapheke ya dirope ka ntle Ba tla reng?
Moruti ke motho e motjha,' ba bang ba ile ba mmuella. 'Ke motho ya ratang dipapadi le bophelo bo botle. Nna ha ke bone phoso ha a bontsha batjha hore ho ikwetlisa ke ho baballa bophelo.'
Ke dumellana le wena weso,' ke motlatsi wa taba eo ka mahlahahlaha a maholo. 'Nna ha ke tsebe hore hantlentle ba batla eng. Ha a ne a robetse, e le otseotse e sa tsebeng ho phahamisa le leoto, ba ne ba tla re ba tliseditswe boroko phuthehong. Jwale, le teng ha a bontsha bophelo, ha ba rate! Hantlentle motho ke ntho e jwang A ke le hleng le mpolelle!?
Dirope tsa moruti lepalapaleng' Ba bang ba botsa. 'Le kgale! Hoo ke tsona dihaeya tse ke keng tsa dumellwa ke kereke e itlhomphang. Hobaneng le sa dumelle mosadi hore le yena a behe dirope tsa hae lepalapaleng Hobaneng?
Hobaneng e ke keng ya bapiswa' ba botsa ba thohothetswe. 'Ntho eo ke leeme le leholo! Ke apartheid ena e hlolang e bolelwa. Batho bana bobedi ba bopilwe ke Modimo. Hobaneng ho tlameha hore ho be le kgethollo?
Le a e bona he taba ya ho kenya basadi makgotleng a dikereke' Ba bang ba botsa ba se ba kgenne. 'Ha eba ha le e so bone, e be le a bona. Tsena ke ditholwana tsa tswelopele ena ya lona e kgahlanong le ditaelo tsa Modimo.?
Le a iketsisa, ho realo ba bang. 'Ke hokae moo Modimo o reng mosadi a ikeme ka ditshenana tabeng tsa tsamaiso ya kereke Re sa ntse re tla bona mehlolo!?
Mosotho o re sekotlo sa monna ke leralla. Hosane re tla utlwa le se le re sekotlo sa mosadi le sona ke leralla! A ko nahane feela! Ha re hanana le taba eo, le tla be le ikema le re re leeme! Mehlolo! Dihaeya!
Yaba o e hlotse monna wa Mosotho nyewe. Sekotlo sa monna se tla dula e le leralla, empa sekotlo sa mosadi sona ke patuwe, mme se ke ke sa fetoha leralla le kgale! Yaba taba e fedile, ke kgotso. Le ha ho nnile ha eba le ba honothelang dikgutlwaneng, taba eo ha e a ka ya hlola e tliswa ditafoleng tsa lekgotla. Le kajeno moruti o itenela borikgwe ba hae ka bolokolohi.
Moruti Motswahole o bososela feela ha a hopola taba eo, a sisinya hlooho. Ke nnete, ho tla dula ho le jwalo. Batho ba bang ba fetola taba e sa reng letho taba. Mohlomong e be e le hobane ba se na ditaba tseo ba ka tsepamisang dikelello tsa bona ho tsona. Ka mehla batho ba se nang ditaba ba qamaka haufi, mme ba tsomana le tabanyana le ha e ka ba kaenyana feela, mme e be ba se ba e butswela, ba e etsa taba. E be sekotlo sa mosadi se ka fetoha leralla jwang Moruti a tsheha a le mong. Ke lekgetlo la pele a tsheha tjena kgweding ena?
Mohau a nanabela lebokoso le tshwereng mangolo a melaetsa ya kutlwelobohloko eo setjhaba se ileng sa mo etsetsa yona matsatsing a sa tswa feta.
Mophetwa eo ditaba tsena tse hlahellang ka hodimo di mo potapotileng lebitso la hae ke mang?
Sesosa sa kgohlano e hlahiswang ke mongodi dipakeng tsa mophetwa eo le ditho tse itseng tsa kereke ke sefe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ke eng se bakileng hore 'bophelo ba Mohau bo fetohe hoo bo neng bo ke ke ba tshwana le pele'?
Ke neng ha tabanyana ee ya 'marikgwe a makgutswane' e ne e iketsa bothata bophelong ba mophetwa eo?
Na o ka re sebui se buang mantswe aa 'tsena ke ditholwana tsa tswelopele ena ya lona ' se ka lehlakoreng la moruti kapa tjhe Tiisa karabo ya hao?
Potsong ena o se o filwe dikarabo tse nne. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tsona. Mohlahlobuwa a ka ngola feela tlhaku e mabapa le karabo eo a e kgethileng.
Sesupo sa pele se totobatswang ke mongodi hore bophelo ba Mohau bo fela bo fetohile ke...
ho tsoha ka mora nako.
ho farasa ha mehopolo ya hae.
ho tadima ditshwantsho tse leboteng.
Sekapolelo, 'ho lomahanya meno' ha se hlaloswa ka Sesotho se tlwaelehileng se bolela...
ho loma ntho ka thata.
ho ba manganga.
ho hlapanya ka ntho e itseng.
ho ema ka ho tiya maikutlong kapa ntlhakemong e itseng.
Nakong ena eo Mohau a ntseng a nahana ka tsa ntwa ya hae le ditho tsa kereke e ne e le...
metsotso e mashome a mararo ka mora hora ya bosupa.
Mosebetsi o neng o etswa ke Mohau e ne e le wa...
ho disa setjhaba.
ho etsa ditshwantsho tsa maboteng.
ho ba moruti wa kereke.
ho kwetlisa batjha.
Ha ho thwe 'ho nnile ha eba le ba honothelang sekgutlwaneng' ho bolelwa hore ho ne ho na le ba...
buelang ka thoko ka ntle ho lekgotla.
buelang fatshe ka lekgotleng.
ipelaetsang ka taba eo.
sebela ba bang ka taba eo.
Ebe ke hobaneng ha mongodi wa tema a kgethile ho sebedisa lentswe 'apartheid' empa ho ntse ho ena le lentswe la Sesotho Hlalosa?
Ke eng seo mongodi a lekang ho re 'behela' sona ka tsela e potetseng ka ho re hlahisetsa taba ya 'lebokoso le tshwereng mangolo a kutlwelobohloko' qetellong ya tema?
Na tjhadimo ya mophetwa ya bonang 'basadi ba sa lokela ho kenngwa makgotleng a dikereke' e nepahetse Hobaneng ha o realo Tshehetsa karabo ya hao ka mabaka a mabedi?
Hlahlobisisa tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ha mongodi a hlalosa ditjeho tse sa lebellwang o sebedisa papiso ena, 'jwalo ka ho kgaoletswa ke pula'. A ke o hlalose bohlokwa ba tshebediso ya mokgabisopuo ona moelelong wa se hlaloswang.
Setshwantshong ho na le polelo ena, 'Ka ho ba le boitshwaro, le wena o ka kgona o ka ' Ke boitshwaro bo jwang boo ho buwang ka bona moo Hlalosa?
Seo mongodi wa tema a o susumeletsang ho se nahana ka ho hlahisa setshwantsho sa khemera ke sefe, ho ya ka kutlwisiso ya hao?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o akaretsa ka mantswe a hao mehopolo ya sehlooho. Ela hloko hore kakaretso ya tema e be mantswe a mashome a robedi ho isa ho a mashome a robong . Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao. Moithuti o tla fokoletswa matshwao ha a sa ele hloko ditaelo.
Ngwaneso mathata a hlwele manolo hodimo. Ke kopa o nkutlwe hle, o nkutlwisise. Ke kumetse mme ditaba tsa ka le wena, le ho re di se di le mothating ofe. Ka mora ho mamela ka hloko, mme o itse ke se ke le moholo, mme e ka kgona a mpolelle nnete e le ho qoba diqabang hosasa. Mme o re yena ha a nkgothaletse ho kena le wena lenyalong ka ha re bana ba motho.' Morwetsana o qetelletse polelo ena ho se ho le mahleke, meokgo e kopane le mamina.
Mmamotlalentwa a iphumana a se na boikgethelo. Ntho ya mo tsokotsa ya ba ya nna ya mo kgothometsa. Dilemo di mashome a mabedi a metso e supileng a dutse taba hodimo. O ne a se a bile a kgodisehile hore ke kunutu la hae, mme ha le ntse le bolokehile lenyalo la hae le lona le babatsehile. Motlalentwa o kgaohane le Motsotuwa ho se ho se puo ha e se lehlwephehlwephe feela.
Mmamotlalentwa o bua le mora: 'Ngwanaka lebaka la ntatao le a utlwahala mme ke la nnete. Ao ke makunutu ao re sa kang ra a tseba. Ka bomadimabe makunutu a tshwana le pula hobane a a hlopha ebile a a senya. A tshwana le pitsa eo o ke keng wa hatella sekwahelo sa yona ho ya ho ile. Ha e bela e pheulela kwana sekwahelo seo.' Mmamotlalentwa a ema a tshwara mora ka letsoho mme a mo aka. A mo phumola meokgo e neng e keleketla mahlong a hae. A tswela pele a re: 'Ha ho lekunutu mona lefatsheng. Bosiu bo bong le bo bong bo hlahlangwa ke kganya ya letsatsi e talolang diketso tsa lefifi.'
Motlalentwa ke lepolesa le hlwahlwa. O ne a sa dumele ho ka fefolwa ke difefonyana tsena tsa bophelo. O lokela ho itwanela molamu wa hlooho. O ne a sa utlwisise, a ferekane, a sa itsebe ebile a sulafalletswe ke ntho e nngwe le e nngwe. Empa ho tloha letsatsing leo, Motlalentwa o ile a ithuta ho hlompha mmae le ntatae ba ileng ba mmolella nnete ya ditaba le ha batswadi ba hae ba ne ba swabile ba swabisitswe ke ditaba tse hlahelletseng pepeneneng. Bophelo bo naka di maripa!
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ke nnete hore motho tlasa letsatsi o tsamaya a teetswe hare ke ditsietsi ka nako tsohle. Ha se hore ha di sa re hlahele re bohlale, empa ke ka lehlohonolo feela. Empa he bomadimabe, jwalo ka lehlohonolo, ke ba bohle. Re tlohile hae le motswalle Tokelo re eya motjekong. Bashemane re ne re ikinne ho tsona tse loketseng motjeko diaparo. Thabo ya rona e ne e le e ke keng ya lekanngwa. Ha e le Tokelo yena o ne a bile a se a ntse a ipoledisa kamoo a tlang ho tjeka ka teng. Tjhe ra ba ra finyella moo ditjhaba di neng di robellane teng.
Wa qala mosebetsi! Moshemane a se kgwatha senare sa katara, a se kgwatha a se kgwathela lonyeng hore ya hlabehang a hlabehe. Eitse mola moo pina e loelang, mabone a re fi! Ha thola tu, ka ho panya ha leihlo! Yare re sa maketse jwalo, ha utlwahala sefako sa dikulo difensetereng le monyako. Batho ba ikwahetseng mahlong ba kena ba se ntse ba thunyetsa hodimo masenkeng. Ha senyeha ka holong. Ya eba letlaburu ho batla lesobanyana feela la ho tswa. Batho ba hatana hodimo seka bohlwa. Diboko tsona e ne e le tse hlomolang. Moo ke reng etlo, ka iphumana ke se ke le ka ntle, ke suthumelleditswe teng ke boiyane bona ba batho bo jwalo ka ditsie. Ka lehlohonolo ka iphumana ke sa tswa kotsi. Tokelo yena Ke re ke moihlwe ho fihlela lena le hodimo. Ke mang ya neng a tseba hore Tokelo elwa wa semomotela o tla hlahelwa ke tsietsi e tjee Maoba le maobane e ne e le tjaka hara ditjaka, a sa jese thweetsana ditheohelang. Empa kajeno o jwang Ke re ke moshejwahang! Tsietsi ke ngwanabo lehlohonolo. Batswadi ba ne ba tsebiswe hore ngwana wa bona o tswile kotsi e mpe?
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o fetolele mantswe a ngotsweng ka botsho hore e be malatodi/diantonime.
Ke nnete hore motho tlasa letsatsi o tsamaya a teetswe hare ke ditsietsi.
Totobatsa meelelo ya maelana/dikapolelo tse latelang ka ho di sebedisa dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Badisisa polelo ena, 'Diboko tsona e ne e le tse hlomolang', o nto araba dipotso tsena tse latelang.
Nehalana ka lehlalosonngwe/lentswe le ntseng le bolela moelelo o le mong le 'diboko' jwalo ka ha e sebedisitswe polelong ena.
Nehelana ka homonimi/mopeletotshwano wa lona lentswe le ngotsweng ka botsho ka hodimo, ebe o le sebedisa polelong ya hao ho totobatsa moelelo o fapaneng wa lona.
Batswadi ba ne ba tsebiswe hore ngwana wa bona o tswile kotsi e mpe.
Mongodi o sebedisa lebitsokgoboka 'boiyane ba ditsie' ho hlalosa bongata ba batho bo neng bo tswa monyako bo petetsane.
Dinokwane tseo di ile tsa nyamella ka hara wa difate o ka nqane ho tsela e lebang Thupadikaka.
Polelo ena, 'Thabo ya rona e ne e le e ke keng ya lekanngwa' e temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ha utlwahala sefako sa dikulo difensetereng le monyako.
Ha e le Tokelo yena o ne a bile a se ntse a ipoledisa ka moo a tlang ho tjeka ka teng.
Leetsi le ntshofaditsweng polelong ena, 'Bashemane re ikinne ho tsona' le supa boiketsi. Ngola dipolelo tse latelang hape empa o fetole leetsi le masakaneng ho supa boiketsi.
Le ha Tokelo e le moihlwe jwalo o ntse a (balla) dibuka le ho ntshetsa pele dithuto tsa hae Univesithing ya Cape Town.
Eitse ho sa rena pherekano e jwalo, dinokwane tsa hla tsa (-fa) dimenyane.
Lentswe lena 'moihlwe' le sebediswa sebakeng sa sehlotshwana sa mantswe ana a bolelang 'motho ya bonang ka leihlo le le leng kapa ya tswileng leihlo le leng'.
Pula e nang ka majwana.
Mohlankana ya seemo se selelele, ya raohileng ebile a boheha.
Bala papatso e latelang ka hloko ebe o araba dipotso tse thehilweng ho yona. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse nne tseo o di filweng.
Maikemisetso a baphatlalatsi ba papatso ena ke...
ho eletsa baithuti ho ipolokela tjhelete.
ho ruta setjhaba mekgwa le malepa a ho boloka.
ho phatlalatsa makasine ya Bona.
Bohlokwa ba ho ngola lentswe Today ka ditlhaku tse kgolo tjena ke...
ho ngoka mahlo a babadi hore a tsepame lentsweng lena.
ho kgabisa papatso ena hore e kgahlehe.
ho kgahla bana ka ditlhaku tse kgolo.
ho kgothaletsa baithuti ho qala ho boloka 'kajeno'.
Ke lentswe lefe ho a latelang le sebedisitsweng ka tsela e fosahetseng papatsong ee?
Se ka susumeletsang babadi ba bangata ho reka sehlahiswa sena se bapatswang mona ke hobane bohle ba...
utlwisisa ebile ba kgahlwa ke papatso ena.
ipolokela tjhelete ka ho reka sehlahiswa sena.
lakatsa ho ba le tjhelete.
Bohlokwa ba polelwana ya selelekela e reng 'Tjhelete e laola bophelo ba lefatshe' qalong ya papatso ee ke bofe Hlalosa?
Papatso ee e reretswe bomang, mme hobaneng ha o realo?
<fn>Sesotho HL P2 Exemplar Memo 2009.txt</fn>
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele (mohlahlobuwa ha a lokele ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa potso e kgutshwane mofuteng o le mong wa sengolwa).
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya A (ho Puo ya Lapeng le ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso tse pedi tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tse telele ho Karolo ya B le ya C (Puo ya Lapeng), motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, motshwayi a tshwaye karabo ya pele ho Karolo e nngwe le e nngwe, ha feela mohlahlobuwa a arabile potso e le nngwe e telele le e le nngwe e kgutshwane.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa dipotso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme ho feta moo a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-a kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (ho tloha ho Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile lekgetheng le le leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1 Thothokiso ya 1: Ebang o potlaka R.N.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong). Bakeng sa dikahare motshwayi a tadime dintlha tse latelang nehelanong ya mohlahlobuwa (ela hloko hore dintlha di ke ke tsa behwa ka tatellano e hlahelang mona): - Phetapheto e tsepameng/neheletsano (1-4), (4-6), Ho tlamahanya mela kapa ho tlisa kgatello/toboketso - Pholletso/molamotjetje/enjambamente (3, 7, 8 le 10) Ho tlamahanya mehopolo e meleng e mmedi/taba tsa mola o ka hodimo di tswela pele ho o latelang - kgefutso/kgefutsohare/sejura Ho kgina morethetho/ho bontsha tekatekano ya moelelo mantsweng a arotsweng ke sejura. - Lehokela/hlaahlela (5-6) Ho hokela mela eo e mmedi/ho nehelana ka kgatello - Tlohelo Ho nehelana ka sefutho lentsweng leo - Anastrofi Ho tlisa matla/kgatello lentsweng leo ho qalwang ka lona tatelanong ya mantswe. - Phethapheto e diehisitsweng (7 le 9) Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang. - Phetapheto e rapameng Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neheletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano. Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwai a ele hloko hore makgetha ana a mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe (ho ka rubriki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
POTSO YA 1 Thothokiso ya 1: Ebang o potlaka: R.N.
DIKAHARE LE PUO: - Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka. - Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehela-no e nang le neheletsano e momahaneng e lebi-sang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo. - Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fa-paneng ho tswa thotho-kisong. - Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso le ya sengolwa sa mofuta ona. - Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho. - Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di sutsitse, mme di phehi-sa tlhahisong ya moe-lelo o nepahetseng.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano. - Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme o di tiisa ho tswa thothokisong. - Tshekatsheko ya hae ke e pakang le ho supa kutlwisiso e kgabane ya thothokiso le ya sengo-lwa sa mofuta ona. - Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng. - Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di loketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle. - Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefu-tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo. - Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e le e ka hodimo ho e maha-reng; e paka kutlwisiso ya thothokiso le sengolwa. - Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selele-keleng, qetelong le dite-maneng tse itseng. - Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo di hlahella nehelanong di sebedisitswe ka tsela e nepahetseng.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela e kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu-llutsweng ka botlalo. - Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo. - Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo; ho bo-nahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena. - Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Bo-holo popeho ya ditemana e nepahetse. - Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae. - Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Sehlooho se okolwa feela tlhalosong; dintlha tse hla-hiswang di supa boiteko bo fokolang ha a araba potso. - Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ha-mpe karabelong ya hae ya potso. Dintlha tsa hae ha di kgodise, ha di tshehe-tswe ho tswa thothokisong. - Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sa mofuta ona mmoho le ya thothokiso ena. - Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse. - Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate-llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe-tseng. - Diphoso tsa puo di bonahala ka bongata. Tshebediso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Sehlooho se hlalo-swa ka tsela e bo-ntshang kutlwisiso e fokolang haholo. - Tshekatsheko ke e fokolang; ho bile ho na le phetapheto ya dintlha tse ding. Di-ntlha tse ding di tswile lekoteng. - Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho le na ditlhaloso tse fosahetseng. - Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosa-hetseng. - Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme le dita-ba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho. - Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Ho bonahala boitekonya-na bo itseng ba ho araba potso, empa ho thata ho hlalohanya ditaba tsa hae. - Tshekatsheko ya hae ya potso e bontsha bofokodi bo boholo; dintlha tsa hae ha di bontshe kutlwisiso ya thothokiso. Dintlha tsa hae di tswile lekoteng. - Ho etswa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tsa hae boholo ha di na kamano le thothokiso e botsitsweng. - Ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho dira-tswana kapa kgokahano. - Ha boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshe-kong ya hae. Karabong ya hae ha o ke ke wa utlwi-sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo..
POTSO YA 2 Thothokiso ya 2: Raleqheka: K.E.
Ho bontsha ho makala kapa hona ho hlollwa ha monna wa direng, a bona potongwane tsa 'mosadi' enwa.
Ke ntlha. v A pele Matshekga a feta pitsi di matha (molathothokiso wa 15) / A feta a habile ditjotjeleng.
Tomatso/ phoqov Monna wa direng o re 'mosadi' a eme ba bue hobane o a mo kgahla a le boreledi. O boreledi jwang empa a lebetse ho kuta ditedu Dipotongwane tsa 'mosadi' enwa ke tse makatsang batho ba hlolletswe?
POTSO YA 3 Thothokiso ya 3: Peo ena P.M.
Ka maikutlo a nyahameng, a ho teneha le ho fela felo.v - Empa o lebala hore peo ena e jetswe ke wena/ molathothokiso wa 12.
O lla ka mehla ka leeme/ molathothokiso wa 5v - O lla se bohloko sello/ molathothokiso wa 19. E le NNGWE feela Sepheo ke ho neha lentswe kapa mantswe a tlisitsweng pele kgatello/sefutho.
POTSO YA 4 Thothokiso ya 4: Kodiamalla T.
Kgefutsohare/sejura v - Ho kgina/katla morethetho molathothokisongvv KAPA - Ho bontsha tekano kapa tshwano ya moelelo lentsweng le tlang pele ho kgefutsohare, le ho le e latelang.
Phetapheto ya moelelo melathothokisong v hobane moelelo o molathothokisong wa 7 ke wa motho ya siuweng a hloka mothusi, athe le o ho wa 8 e ntse e le wa motho ya siuweng a hloka mothusi empa feela o phetilwe ka mantswe a sa tshwaneng vv KAPA Ke phetapheto e tsepameng v hobane moleng a wa 8, 'Kajeno' e phethilwe hantle ka tlasa 'Kajeno' e moleng o ka hodimo (wa 7)vv. KAPA Ke neeletsano v hobane lentswe 'Kajeno', le phethilwe qalong ya mola o hlahlamang/latelang vv E le NNGWE feela.
POTSO YA 5 Thothokiso ya 5: Leribe K.E.
Pholletso/molamotjetje/enjambamente (molathothokisong wa 1) Ho tlamahanya mehopolo e meleng e mmedi/taba tsa mola o ka hodimo di tswela pele ho o latelang - Mokgabisopuo, lepata Ho toboketsa le hlakisa moelelo wa seo a buang ka sona - Mokgabisopuo, mothofatso Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo a buang ka sona. - Lebotsi Ho bontsha makalo kapa ho hlollwa - Mokgabisopuo, mothofatso Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo a buang ka sona. - Tlohelo (10, 14) Ho tlisa toboketsa/kgatello lentsweng leo. - Mokgabisopuo, serehello/tshwantshiso Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo a buang ka sona - Phethapheto e diehisitsweng (7 le 9) Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
POTSO YA 6 Thothokiso ya 6: Marothodi a letsatsi R.N.
Mosebetsi wa kajeno o sa etsweng kajeno, o be o fetisetswa hosane, o iphetola qaka/tshita (leqhubu) tsatsing leo.
Ke ya keletsi/thuto. v Mona sethothokisi se eletsa/ruta babadi kamoo ba ka laolang ka teng mesebetsi ya bona ya letsatsi ka leng.
E tsosa maikutlo a boikarabello v E kgothalletsa motho ho ba le taolo le tlhophiso e ntle mererong ya hae ya letsatsi ka leng.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng potsong.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le tiisetso ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong). Dintlha tse hlahelang nehelanong ya mohlahlobuwa di lokela ho hlahiswa ka tatellano ena e latelang, le ha mohlahlobuwa a tla sebedisa mantswe a hae moqoqong wa hae: Sesosa Lefu la batswadi ba Tsietsi le ile la baka hore a sotlehe ha Molapo mme ha a se a hodile a rera ho busetsa molamu sefateng vv Ketsahalo tse butswelang kgohlano - Tsietsi o tlohile lebitleng la batswadi ba hae a tseba hantle hore yena ha se Molapo empa ke Molakolako. O ile a ya ha malomae ho ya batla seo e leng sa ntatae, yaba o qabana hampempe le Mmamasolomane vv - Tsietsi a qabana le Mohanuwa ya neng a tseka hore ba kgutlelane ka mora hore ba lahlane. Mohanuwa a mo tsebisa hore o tla iphetetsa ka hore a mmatlele batho ba tla mmolaya vv - Tsietsi o boela a kgutlela ha Kotsi ho ya batla sa ntatae mme a qabana ha bohloko le Kotsi hoo a bileng a mo thunya vv - Tsietsi o ile a butswelana ka tholwana le mapolesa a ileng a fihla ho tla bona molato wa sethunya se kgabolang. O ile a kobesa le leng le yena a thunngwa sephakeng, a ba a iswa sepetlele vv - Sepetlele moo a neng a lebetswe ka thata, o etsa mmommori le Tseleng mme ba thoba bobedi vv Ketsahalo tse bontshang hore kgohlano e qapaletsa le batho bao e neng e sa ba ame qalong - Tsietsi le Tseleng ba nkela Motjhesi koloi ya hae, sepheo e le ho lahla mehlala hore mapolesa a se ke a ba tshwara vv - Ha ba ntse ba baleha ka koloi ya Motjhesi jwalo, ba palamisa monnamoholo (ngakanammotwana), eo ba ileng ba mo ela ka diphalana vv - Ba tshwara mokganni wa bese (Thabo Molete) poho mme Tsietsi a phutha tjhelete ya bapalami a sa ba fe ditekete.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka ditemana (paragraphs) le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano. Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le sebopeho le puo. Motshwayi a ele hloko ho re kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Ho elwe hloko hore rubriki e latelang e sebediswa hohle moo mohlahlobuwa a arabileng mofuta wa dipotso tse telele (tsa moqoqo) ha ho arajwa dingolwa tsa mofuta wa padi (nobele) le mofuta wa tshwantshiso (terama) ho Karolo tsa B le ho ya C.
DIKAHARE: - Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le tiisetso ya taba ka mabaka.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo. - Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka di-ntlha tsa mefuta e fapa-neng ho tswa thothoki-kisong. - Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebi-leng ya thothokiso le ya sengolwa sa mofuta ona.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano. - Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme o di tiisa ho tswa thothokisong. - Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa ku-tlwisiso e kgabane ya thothokiso le ya sengo-lwa sa mofuta ona.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle. - Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefu-tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo. - Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e le e ka hodimo ho e maha-reng; e paka kutlwisiso ya thothokiso le sengolwa.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu-llutsweng ka botlalo. - Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo. - Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo; ho bo-nahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Sehlooho se okolwa feela tlhalosong; dintlha tse hla-hiswang di supa boiteko bo fokolang ha a araba potso. - Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ha-holo karabelong ya hae ya potso. Dintlha tsa hae ha di kgodise, ha di tshehe-tswe ho tswa thothokisong. - Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sa mofuta ona mmoho le ya thothokiso ena.
Sehlooho se hlalo-swa ka tsela e bo-ntshang kutlwisiso e fokolang haholo. - Tshekatsheko ke e fokolang; ho bile ho na phetapheto ya dintlha tse ding. Di-ntlha tse ding di tswile lekoteng. - Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na ditlhaloso tse fosahetseng.
Ho bonahala boitekonya-na bo itseng ba ho araba potso, empa ho thata ho hlalohanya ditaba tsa hae. - Tshekatsheko ya hae ya potso e bontsha bofokodi bo boholo; dintlha tsa hae ha di bontshe kutlwisiso ya thothokiso. Dintlha tsa hae di tswile lekoteng. - Ho etswa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tsa hae boholo ha di na kamano le thothokiso e botsitsweng.
SEBOPEHO LE PUO: - Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehela-no e nang le neeletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho. - Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehi-sa tlhahisong ya moelelo o napahetseng.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng. - Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. - Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selele-keleng, qetelong le dite-maneng tse itseng. - Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng. - Tshebediso ya puo, seha-lo le setaele boholo di hla-hella nehelanong di sebe-disitswe ka tsela e nepa-hetseng.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo selate- tswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse. - Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae. - Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse. - Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate-llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe-tseng. - Diphoso tsa puo di bona-hala ka bongata. Tshebe-diso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosa-hetseng. - Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme e dita-ba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho. - Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho dira-tswana kapa kgokahano. - Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshe-kong ya hae. Karabo ya hae ha o ke ke wa e utlwi-sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho. - Tshebediso ya puo, se-halo le setaele boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
Ke tikoloho ya mahaeng v moo batho ba phelang motseng o le mong ba tsebanang hantle, mme le bana ba holela mahlong a batho ba tsebang baholo ba bona ka botlalo.
Tsietsi o ile a etsa mmommori le mooki Tseleng ya ileng a mo tlela diaparo a di pata matlwaneng a banna v. A tsebisa Tsietsi mme yena jwalo ka mehleng a ya moo ntlwaneng a ntse a bontsha ho opelwa.
O fihlile moo kerekeng a ikgakantse a ntse a le bohloko, a batla ho iphetetsav ho Kgephola Qamaka.
Kgohlano e pakeng tsa Leemisa le Mohatsae Mmapelepele - Le ha rangwane Leemisa a ne a sa ruteha, o ne a batla ha Diepollo a ka ruteha empa Mmapelepele o ne a le kgahlanong le seo v - Mmapelepele o ne a re ba senyehelwa ke dikgomo ka baka la ntho e hlokang molemov - O ne a re lefa la bona le tla fella moo ba sa tsebeng v - A re ka baka la thuto ena ya hae Diepollo e se e bile e le lefetwav - O ne a sa rate ho ela hloko ntlha ya hore dikgomo tseo e ne e le tsa habo Diepollo tse siilweng ke ntatae ha a ne a hlokahalav - Ha monna a mo elelliswa ntlha ya hore bona ha ba na bana, o ne a re monna o mo hlapaola ka bonyopa ba haev Kgohlano ya ka hare e hlahellang ho Diepollo - Kgohlano e maikutlong a Diepollo ke e neng e bakwa ke kamoo a neng a elellwa hore nnete ha e yo lefatshengv - Mmamokele, mohatsa malomae o ne a sa rate ho mmolella nnete ya ho re batswadi ba hae ke bomang. v - O ne a re Diepollo a itsebe hore ke Diepollo Paulina Moerane empa nnete ya taba e le ho re Diepollo ke moradi wa ha Lehlwenyav - Diepollo o ne a tshositswe ke ntlha ya hore malomae o ne a ikemiseditse ho mo nyadisa motho eo yena a sa mo tsebeng le ho mo tseba. v - O ne a makaditswe ke ntlha ya hore le bomoruti ba tseba taba ena ya ho tla shobediswa ha hae ke Mothofeela empa yena a se na tsebo ya taba eo. v - A makala le ho feta ha a elellwa hore bomoruti ba bile ba amohetse Mothofeela jwalo ka moeti wa bona moo kerekeng. v - Maikutlo a hae a ile a ferekana ha a elellwa hore nkgono Motsokapere o ne a na le tsebo e batsi ka tsa bophelo ba hae empa ha a ka a mmolella letho nakong eo a neng a ntse a dula ho yena. Pelo e nngwe e ne e re a kgutlele morao ho yena ho ya mo fata ditaba empa a etsa qeto ya ho tswela pele ka leeto la ho ya Mahlwenyengv - Pherekano e nngwe ya maikutlo e ile ya bakwa ke mohla mmangwanae Mmamokele a neng a mmolella hore mmae o ile a nyamela ka mora hoba a hlobole thapo ya ntatae mme rangwane Leemisa a batle ho mo kenela. O ne a ipotsa hore ke ka baka lang rangwanae a sa mo tsebisang tsena kaofela v - Maikutlo a hae a lwebehlana le ho feta ha a elellwa hore Dikenkeng eo a neng a mo phethela tsohle tse amanang le Zeblon e ne e le phiri e ka hara lekoko la nku e neng e fetisetsa ditaba tseo ho mohlankana wa hae wa mpimpi ya mapolesa. Bothata bo teng ke ba hore o ne a sa rate ho phetlela mohatla nku mashodu hore a elelliswe Dikenkeng hore o se a mmone mafolomabe.
Ke ditaba tsa hore ntatae o hlokahetse dikgweding tse tsheletseng tse fetileng v.
Mmapelepele e ne e le motho ya bohalev - O ne a sa batle ha Diepollo a kenngwa sekolo a bolela hore ba senyehelwa ke dikgomo tsa bona ka baka la lefetwa la ngwanana - O ne a halefa ha monna a mo elelliswa hore dikgomo tseo ba nang le tsona ke tse siilweng ke ntata Diepollo - A halefa ha monna a mo elelliswa hore bona ha ba na bana mme ha ba senye ka ho ruta Diepollo.
Ho ne ho na le seroto se sa ribollweng haufi le mohaolwana wa nkgono seo nkgono a neng a re o alamisitse kgoho ya hae ho sona empa Diepollo o ile a se bona mane kgotla mohla nkgono a neng a tshwerwe sakeng la ha ntate Moeketsanevv - O ne a ile a siya nkgono kgotla nakong eo a balehang ha a elellwa hore ke yena ya behilweng hare kgotla mme a makala ha a se a mmona a ituletse ka tlung ya hae mme seroto sa hae se se se behilwe moo se dulang se ribehilwe teng.
Dikeledi o ne a kena sekolo Lekwa-Shandu le mohlankana wa hae Tsekiso.
Ka tsatsi le leng ha taba ya bona ya lerato e se e tsitsitse, Dikeledi a utlwela hore Tsekiso o hlola a bonwa le ngwanana e mong wa ka Sharpville.
Eitse ka tsatsi le leng a tsamaya le motswalle wa hae ba ilo rekisa ka komponeng, ba bona ngwanana le mohlankana ba nyamella ka thotaneng.
O ile a ba hlokomediswa ke motswalle wa hae Mpuse le teng ba se ba kgutla hore motho eo ke Tsekiso le ngwanana e mong ya sa keneng sekolo Lekwa-Shandu.
Ha a re mahlo tloha, a bona Tsekiso a kgomaretse ngwanana eo, a mo tlapuretse lethekeng mona eka o batla ho baleha kapa o tla tloha a robeha. A leka ho iphapanyetsa sena empa pelo ya hana.
Ka le hlahlamang a ngolla Tsekiso molaetsa wa hore o batla ho mmona ha sekolo se tswa. Bakeng sa hore Tsekiso a arabe ka mokgwa wa teng, a bua le yena feela moo ba bang ba ntseng ba utlwa ho re ba tla kopana pela habo Mmankileng. Sena sa utlwisa Dikeledi bohloko hobane o ne a elellwa hore Tsekiso o mo etsa sephoqo ka pela bana ba bang.
Bakeng sa ho re Tsekiso a fihle jwalo ka ha ba ne ba tshepisane, a se ke a fihla. Hoseng ha letsatsi la Labohlano a neheletswa buka jwalo ka ha e le tlwaelo ya bona ha ba fana ka mangolo.
O ne a tshepile hore ka hare o tla fumana ditaba tse monate empa ka bomadimabe a fihlella molaetsa o mmolellang hore lerato le fedile.
Ha tseo di se di etsahetse ha ba le pherekano eo ho ileng ha ba le batho ba reng ba tlo kopa mohope wa metsi habo Dikeledi. Dikeledi yena a nahana hore molaetsa wa mofuta oo o tswa habo Tsekiso athe ha ho jwalo.
Tsekiso ha a utlwa hore Dikeledi o bolelletse batho hore ba habo ba ne ba tlilo kopa mohope wa metsi a halefa habohloko mme a mmuisa hampe feela. A mo tjodietsa ka mantswe a bohloko hoo Dikeledi a ileng a sarelwa habohloko.
Kgohlano pakeng tsa Mmateboho/Dikeledi le ba bohadi ba hae ba Matatiele ba neng ba tlile phupung la Mme.
Ha Bafokeng ba fihla ho tswa Matatiele, ba ile ba hla ba makalla taba ena ya mosadi enwa ya tlilo patelwa motseng wa ngwana bona empa ba sa mo tsebe hore ke mang.
Ba ne ba bua dipuo tse kobisang le ho seholla Mmateboho habohloko.
Basadi ba Bafokeng bona ba ne ba hlile ba kapile mollo.
Mmateboho o tlisitse mofu enwa ya sa tsejweng ha hae hobane feela a ipatlela tjhelete ya matshediso.
Bona ba ne ba bile ba bua ba sa ipate.
Ka mora phupu ya Mme, ha batho bohle ba se ba tsamaile ho setse ba leloko, rangwane a iketsa ramohlongwana, a epa pitso ya ba leloko moo a neng a tlilo qosa Mmateboho ka ho tlisa mofu ya sa tsejweng hore o tswa kae lapeng la mora wa bona Thollo.
Mofokeng le yena o ne a hlile a habile hore mosadi a arabe a tswe a utlwa hore motho enwa ya neng a patelwa ha hae mona ke mang.
Mohatsa Lesole, e leng molamo wa Mmateboho, a di kena ka sehlotho ditaba tsa Bafokeng.
A bolella Bafokeng hore ba tlile mona ba na le moya o tletseng dikaqa, o mobe o tletseng lehloyo.
A ba bolella hore dipuo tsa bona di mpe mme di baba jwalo ka mohalakane.
Ka mora ditaba tsa mohatsa Lesole, ha hlaha motho ka ho Bafokeng ya neng a rata ho tseba hore ke mang ya neng a nyalle Thollo. Bafokeng ba mo phobola molomo ka pele ka ho elellwa hore a ka nna a kgwatha tsa semana.
Dikeledi o ne a nahana hore batho ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi ke ba habo mohlankana wa hae Tsekisovv mme ka hoo o ile a dumela ntle le qeaqeo hore o tseba monga ditaba.v O ile a ba a bolella motswalle wa hae ka tsa ho kotjwa hona ha hae mme sena se ile sa halefisa Tsekiso haholo.
Tjhe.v Bophelong ba Dikeledi ba lenyalo ha ho moo a ileng a kopana le mathata a makaalo. Maemo a hlaloswang ke dipolelo tsena ha ho moo a kopanang le ditaba tsa pale ena.
Titjhere Masitha o ne a tshajwa haholo ke bana ba sekolo mme Dikeledi o ne a tseba hore moshanyana enwa o tla mo tlohela ka pele ha a utlwa hore o a tla.
Ke ho re Tsekiso ha a mo ngolla lengolo jwalo ka ha e le tlwaelovv Ke hore Tsekiso o ile a phasoloha feela ka hara baithuti ba bang ho bontsha hore o mo etsa sephoqo.
O kgothaleditswe ho nyalwa ke monna eo ke motswalle wa hae Mpuse mme a mmontsha hore ha ho motho ya kileng a hana lenyalo le itlisang.
O ne a makatswa ke ho hlaha ha ngaka Makau torong ya hae vv.
Kotopi o ile a hana keletso ya mofumahadi wa hae Sebuweng vv Ka baka leo a kena morerong wa ho bolaya Moletsanevv ya ileng a mo tsamaela mme Kotopi a hloleha ho robala.
Selelekela - Molefi ke sebapadi sa sehlooho mme ke morutehi ya okametseng lekgotla la dinyewe Maseru. O sebetsa le bahlankana ba habo Ngatane, Ramafothole le Mofammere. - Mofammere ke motswalle wa nnete mme o mo hlokomedisa kotsi ya ho bulela boNgatane le Ramafothole sefuba sa hae. - Metswalle ya hae e mmedi e leng Mofammere le Takadimane e boetse e mo hlokomedisa ka bobe le bokgopo ba monnamoholo Mapetla, empa Molefi ha a amohele sena. O bolela hore Mapetla ke motho ya itjellang letsina feela. Kgolo ya ditaba - Ha a tswa Mpharane ho ya bona malomae ya tshwerweng ke maoto, o fapohela jwaleng moo boMofammere ba ntseng ba inyorolla teng. - Mapetla le yena o fihlile moo mme a bolella boNgatane hore ditlhare tsa hae di sebeditse ke kahoo Molefi a seng a lahla Montsheng. - Puo tsa Mapetla di bontsha hantle hore o batla ho bona Molefi e le sekatana empa Molefi ha a batle ho amohela sena. - Molefi ha a batle ho sebetswa ka ditlhare jwalo ka ngwana wa Mosotho le ha a se a bile a eletswa ke mmae Mojabeng le metswalle ya hae e mmedi e leng Takadimane le Mofammere. - Molefi hammoho le ntatae Pitso ha ba dumellane le taba ya methokgo empa ba tshepile thapelo le ha ebile e le Basotho. - Molefi le ha kgarebe ya hae e rutehileng Jwalane, a bontsha ho mo tella le pele ba nyalana, o ntse a tswela pele ka taba tsa hore o tla mo nyala. - Molefi o rekile koloi mme mmae Mojabeng le kgaitsedie Disebo ba ntswe leng hore ho tshollwe madi mme le koloi e sebetswe. - Pitso, ntata Molefi hammoho le yena Molefi ba kgahlanong le sena, ba bona Mojabeng le Disebo ba fokola tumelong. - Monnamoholo Mapetla o tswela pele ho bontsha hore o batla ho tjhwatla lapa lena la Pitso empa Pitso le Molefi ba iphapanyetsa sena. Ha Molefi a sa batle ho mo rekela jwala o mmitsa kgowanatshwana, lejakane kapa mabalanenyana e leng mantswe a mo nyefolang kaofela. - Le ha a bona hore boNgatane ba mo fata ditaba ka Jwalane, eo ba bolelang le hore o se a mo kopetswe, o ntse a nya matsete, a ba bolella ka makatikati ao Jwalane a mo etsang ona. - Le ha Mofammere a mo eletsa, o ntse a ikentse sefofu. Mofammere o bua mantswe a kang ana ha a mo eletsa " ya hlokolosi o lemoha ha bobebe phiri e apereng letlalo la nku..." "...mahodi a patile maeba..." "...ya bohlale ke ya tla tsamaya a qwaile..." empa Molefi ha a tsotella mantswe ao.
Ha a tsebe ho rwala dieta tsa ditopo.v - A ke ke a tseba ho phehela baeti dijo.v - Ha a tsebe ho bapadisa Molefi papadi ya lerato.v - Montsheng o a bata.v - O etsa hore bophelo bo lometse. - O tlotsa sefahleho ka keketso kamehla. - O tshwara dieta ka matsoho ha a tsamaya le Molefi. - Ha a bua o ala leleme jwalo ka mosadi wa ditenteng. - Ha a tsebe ho itlhatswa, mahafia a hae a a hoeletsa.
<fn>Sesotho HL P2 Exemplar QP 2009.txt</fn>
MATSHWAO: 80 NAKO: Dihora tse 2Â½ Pampiri ena e na le maqephe a 22.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso. Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba. Pampiri ena e arotswe dikarolo tse THARO, e leng: KAROLO YA A: Dithothokiso (matshwao a 30) KAROLO YA B: Padi/nobele (matshwao a 25) KAROLO YA C: Tshwantshiso/terama (matshwao a 25) Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
E le NNGWE karolong ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso. Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tsona.
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Lenanenetefatso: Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa POTSO E TELELE (YA MOQOQO) le e le NNGWE ya mofuta wa DIPOTSO TSE KGUTSHWANE.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (Potso ya 1 - 6). Araba potso tse THARO feela karolong ena.
Ebang o potlaka [R.N. Phume] 1 O tla sudubana po! 2 O tla koma lehlabathe, 3 O tla phumuha melomo 4 O tlabohe dinala; 5 O swabe, o sulafallwe, 6 O sulafallwe ruri le hona. 7 Potlapotla le ja podi 8 Wa thaka; athe sisitheho 9 Lona le ja ya tonana kgomo. 10 Ithute ke hona ana 11 Maele wa thaka, hlalefa, 12 Hlalefa ke hona o ikgethele; 13 Kgetha podi, kgetha kgomo, 14 Kgetha ke hona, kgetsi kapa tjhelete!
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao, o qoqe ka makgabane a SENG KA TLASE ho a MARARO mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Raleqheka [K. E. Ntsane] 1 A bua le mosadi a rapela - 2 "Nkadime mose ke pheme lerumo, 3 Lona basadi Seshophe o a le hlompha, 4 O feta feela a sa botse." 5 Hloho sa bonna ke se seholo, 6 Ke sa ngwane motona kabelwamanong, 7 Kabelwamanong tse tshweu, matlaka, 8 Nong tsa kwenya kgomo le motho. 9 Raleqheka ho mpa ho hana lebitso, 10 Eba jwale a bitswa Mmaleqheka ho qeta, 11 Hoba jwale ke mosadi, ke kgomohadi, 12 Ho so hana lebitso ho hana ditedu. 13 A kena hlopheng sa basadi a tsoka setono, 14 A lekisa tekatsi le bona dikwete. 15 A pele Matshekga a feta pitsi di matha, 16 A feta a habile ditjotjeleng. 17 "Mosadi, ema moo re bue ke a tsamaya, 18 Ke bona o nkgahla o le boreledi, 19 Fahleho eka sa lebikitshana hantle, 20 Sa banana ba Matshekgeng, dithojane". 21 A ke le boneng Raleqheka dirope boputswa! 22 O shobile mese meomo e dutse lepalapaleng, 23 Potongwane di entse mafito tsa Nare, 24 Potongwane tsa mosadi enwa ke tse jwang, banna?
Bolela mofuta wa phetapheto e hlahellang molathothokisong wa 11.
Qoholla lentswe le totobatsang tlohelo molathothokisong wa 19.
Lebaka la sethothokisi la ho sebedisa lebotsi, qetellong ya mola wa 24, ke lefe?
Se buuwang ke Raleqheka, meleng ya 3 le 4, ke ntlha kapa ke mohopolo feela Qoholla/ntsha molathothokiso o le mong feela thothokisong o tiisang/ dumellanang le karabo ya hao?
Ke mokgabisopuo ofe o hlahiswang temanathothokisong ya bobedi (meleng ya 9-12)?
O ntse o ipapisitse le thothokiso ena, hlalosa ka tsela e kgodisang kamoo mokgabisopuo oo o hlahellang ka teng temathothokisong eo.
Peo ena [P.M. Ramathe] 1 Ka mehla le matsatsi o a tsetsela, 2 O tsetselela kgotso o kopa tokoloho, 3 O kopa nyene le bosiu, 4 O qela ka qenehelo le ka kgauhelo. 5 O lla ka mehla ka leeme, 6 O re leeme le a busa kgotso le tokoloho ha di yo, 7 O bua ka leeme betsa tsa babusi, 8 O re leeme ke tlhaka phatleng tsa marena. 9 Ka mehla o ngongoreha ka kgatello, 10 O re ba kojwana di mahetleng ba tujwa, 11 Ba tlatlapuwa ho tsa bona ditokelo, 12 Empa o lebala hore peo ena e jetswe ke wena. 13 Kajeno o thuube ha e na tsatsa, 14 O hloka tao o hloka bodulo, 15 O lebetse lefa o nyahladitse lefatshe, 16 E, hoba moahamoriti ha a o dule 17 Peo ena e jetswe ke nna ke wena, 18 Le hoja o ipotsa o hloka dikarabo, 19 O lla se bohloko sello, 20 Empa nnete ya sala, mojadi ke Ntate molemi ke wena.
Nehelana ka mofuta wa phetapheto e hlahellang meleng ya 1 le 2.
Bolela lebitso la mokgabisopuo o hlahellang molathothokisong wa 6.
O ka re sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang Ke mola ofe o dumellanang le karabo ya hao?
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang anastrofi (tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe moleng/polelong). O be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang kganyetso/kganyetsano, o be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
THOTHOKISO YA 4 Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Kodiamalla [T. Leballo] 1 Boko sa phohomela sa hlaba hodimo, 2 Boko sa lopalla sa kena ha Modimo, 3 Meokgo ya keleketla fahlehong tsa batho, 4 Keledi tsa rotha marameng a bana ba batho, 5 Masodi a maswabi a iphetola melatswana, 6 Kgapha tsa tsharelo tsa iphetola diphororo. 7 Kajeno kgwedi e apohetswe ke maru; 8 Kajeno raka le shwetswe ke molebo; 9 Bana kajeno ke dikgutsanakgudu; 10 Bana kajeno ke bohloma o hlomolle; 11 Bana ke metwaitwai bothuube ha e na tsatsa. 13 Natla se kile sa tswala poho tse melala e thata; 14 Natla sa tswala dikwankwetla, dikwakwariri sebele; 15 Natla sa tswala mafantsatsa, bomphakalophele; 16 Atleng tsa sona batho ba kile ba nwa thuto; 17 Atleng tsa sona batho ba monne kgekge ya thuto sebele; 18 Atleng tsa sona ba kgola thuto tholwana ya bophelo.
Mofuta ona wa thothokiso o tsejwa ka letshwao lefe le leholo?
Sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang?
Ke molathothokiso ofe o re tsebisang hore bana ha ba na bodulo bo tsitsitseng temanathothokisong ya 2 (meleng ya 7 - 11)?
Bolela ntho e le nngwe feela eo e leng sephetho/ditlamorao tsa ketsahalo eo ho buuwang ka yona thothokisong ena.
Letshwao la ho bala le fumanwang hara molathothokiso wa 14 le bitswa eng Bohlokwa ba lona molathothokisong oo ke bofe?
Melathothokisong ya 7 le 8 ho na le mofuta ofe wa phetapheto Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
ELA HLOKO: Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO ya 5 le POTSO ya 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba Potso ya 5, a se tswele pele ho araba Potso ya 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba Potso ya 6, a se arabe Potso ya 5. Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
POTSO YA 5: Araba POTSO ya 5 kapa POTSO ya 6.
THOTHOKISO YA 5 Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba potso e tla e latela.
Leribe [K.E. Ntsane] 1 Leribe le letshwana 2 La Mmamosa le Molapo, 3 Batho ba teng dipelo ha se ho tshwana, 4 Bana ba Mohato ba metse methapo. 5 Botle ba hao, Leribe, ke bo jwang 6 Dithaba le maralla eka dithotho; 7 Kobo o apere ya bo botala jwang; 8 Diphula di ahlame se ka diroto. 9 Thaka tsa Mokutu, le se nna le itella, 10 Le tswetswe forong sa 'Dinare'. 11 Leribe ke tata la rauduudu, le ka fella; 12 Bata di fedile, ho setse 'Dinare'. 13 Molapo o siile mekwallo e thata, 14 A re ho kwallwe ka thata, 'Nare di none; 15 Jwale di a fula ba tshwere bothata. 16 RaLeribe, tona mahlo o re bone?
Hlalosa makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 250 - 300.
POTSO YA 6 Araba Potso ena ya 6, HAEBA o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
THOTHOKISO YA 6 Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Marothodi a letsatsi [R.N. Phume] 1 Letsatsi ka leng nnete sebele, 2 Le na le marothodi a lona; 3 Ohle, kaofela a taolong ya hao, 4 Ohle, kaofela a atleng tsa hao. 5 Se dumelle ke hona, 6 Hana o latole bosehla, 7 Ha le rothela marothoding a hosasa; 8 A kajeno a teane le a hosasa. 9 Lena la maobane hosasa, 10 Le fetoha qhubu la kajeno; 11 Qhubu le tla nka wena, 12 Hoba ke rothodi la maobane. 13 Di etse o di qete, o di phethele 14 Di phethele kajeno; ke tsa kajeno; 15 Manna, le tla bokeletsa a kajeno, 16 Hosasa, nnete a tla bola; ke a kajeno. 17 Mpa e jeleng e sasabetse, 18 E sasabetse, e kgotshe tsa kajeno; 19 Hosasa, e phathahane lephako, 20 Hosasa, mala a duma a batla tsa kajeno.
Lebitso la thothokiso ena ke 'Marothodi a letsatsi'. Lebitsong lena ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe?
Hlalosa ka mantswe a hao mohopolo o melathothokisong ya 9 le 10.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe Hobaneng o realo?
Thothokiso ena e tsosa/qholotsa maikutlo a jwang ka hare ho wena Hobaneng o realo?
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa POTSO e TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, o tlameha ho kgetha mofuta wa DIPOTSO tse KGUTSHWANE ho KAROLO ya C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho Karolo ya B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Sekaseka kgohlano ya pale ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450.
Diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano ena e ile ya nama le ho qaphaletsa/ama le batho ba neng ba sa amehe qalehong ya pale.
Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela.
Empa nkgono," ho kena Kgutso a se a ntse a ingwaya hlooho ke ho elellwa bothata ba qaka ena. "Taba ena o tlamehile ho e tseba, nkgono. O motho wa kgale. Ha o motho wa kajeno mona. Haeba ho na le motho ya tlamehileng ho tseba ditaba tsena, motho eo ke wena". Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka," ho realo mosadimoholo, a se a bile a fehelwa ha bohloko. "Ke itsofaletse nna bana ba ka. Ha ke sa lakatsa ho kena ditabeng ke se ke le mokaana. A ke le ntloheleng nna, ke tle ke itjhwelle ka kgotso. Ke a le kopa hle!" "Re ke ke ra o tlohela o sa ka wa re bolella nnete, nkgono. Re bolelle nnete, nkgono". Mosadimoholo a ema, a nanabela seikokotlelo sa hae, a ikokotlela ho leba phaposing e ka hare. Ha a fihla monyako a hetla, yaba o re ho bashanyana bana ba bararo: "Bana ba ka, ke le arabile, ho ntekane. Haeba le batla karabo e fetang ena ya ka, botsang lebitla". Yaba mosadimoholo o ikwalla ka phaposing ya hae, o a kgaohana. Empa ka pelo a bua dikakata.
Ntle ho Tsietsi le Kgutso ke mang e mong ya neng a le teng kopanong ee?
Taba eo ho thweng mosadimoholo o a e tseba ke efe?
Karabo ena ya mosadimoholo: "Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka", e senola sefe ka mosadimoholo tabeng ee?
Basotho ba re: "tsa habo moshanyana ha di jewe". Paleng ena, qoholla ketsahalo e le nngwe e netefatsang polelo ena.
Ho latela puisano ena ya boTsietsi le mosadimoholo, o ka re diketsahalo tsa pale ena ke tsa mehleng efe Hobaneng o realo?
Ntle ho kopano ena ya bona le mosadimoholo, ke ketsahalo efe e nngwe hona kgaolong ena e netefatsang karabo ya hao e ho POTSO 8.4?
Hlalosa hakgutshwane tikoloho eo ketsahalo e qotsong e ka hodimo e etsahallang ho yona.
Hlalosa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo Tsietsi a ileng a thoba sepetlele ka teng.
Sehloohong sa "Tseleng yena o bolaetsweng", totobatsa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo maikutlo a Tsietsi a neng a amehile kateng?
Qoqa ka kgohlano e hlahelang paleng ena o ipapisitse ka dintlha tsena tse latelang. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450.
Kgohlano ya ka hare e hlahellang ho Diepollo ka baka la ho bona lefatshe le hloka nnete.
Ke tsamaile jwalo, eitse ha ke ya ke shebile motseng ka utlwa motho ya hoeletsang hara masimo. Lentswe la hae le ne le utlwahala e le la mosadi, motho wa teng ke ne ke sa mmone le ho mmona feela ka utlwa eka o hoeletsa nna. Ke ne ke tsamaya hara masimo ka nako eo ho neng ho le lekgaba ka hoo ke ne ke sa bolokeha le hanyenyane. E ne e se ntho e tlwaelehileng hore ngwanana wa dilemo tsa ka ebe o ntse a tsamaya sebakeng se jwalo le hona a le mong. Naha e ne e jele boya, ho ne ho tletse diretlo, banana le basadi ba betwa, ntho tse mpe kaofela di ne di dula di etsahala. Jwale ke ne ke tiile sebete feela hobane ke ne ke tsamaya e le motsheare. Ka ema ka qamaka hore ke tle ke bone motho enwa ya hoeletsang. "He-e-i! Ngwanana ye! Ema moo, nkemele moo ngwanaka!" Qetellong a hlahella motho enwa ya ntseng a nkgoeletsa. Mona teng ke ne ke sa tshoha hore nka kopana le motho ya tsebang malome Theko, ya tswang Lekokoaneng hobane ke ne ke se ke dikelletse le motse wa heso. Ha hlaha setsohatsana tjena seo ke sa tsebeng hore na mosadimoholo o ne a behwa ke eng ka nako eo masimong a bile a tsamaya a le mong. Ha ke mmotsa a re o ne a tlilo tshosa. Teng ke nnete ha lehwetla le sa tswa thwasa ke nako eo batshosi ba tsohellang masimong esale ka meso. Ha dikgomo di tlwaela makgulo ebe e le hona ba kgutlelang mahae. E ne e se e le motsheare wa lengeta. Motshosi o tshwara tswibila kapa moropanyana oo e reng ha a o letsa, o etse lerata ho balehisa dinonyana hore di se je mabele a matjha masimong. Le ha ho le jwalo, ntho e neng e mmakatsa ke ya hore mosadimoholo yena o ne a sa tshwara letho le supang hore o tswa tshosa.
Hantlentle ntata Diepollo ke mang?
Ha Diepollo a fihla hae Mahlwenyeng, ke ditaba dife tse bosula tseo a ileng a di fumana?
Lebaka le entseng hore Diepollo a se holele habo ke lefe?
Nakong eo Diepollo a neng a ntse a ipatile ha moruti, ke sefe seo a ileng a se tseba ka Mothofeela Fana ka ntlha e le NNGWE?
Sebonwang se bonwa ke bohle. Mantswe ana a ne a bitsetsa batho hokae mme le hona ho ne ho thwe ba tlo bona eng?
Mohla Diepollo a neng a tloha ha mosadimoholo ke dintho dife tseo mosadimoholo a ileng a mo fa tsona Bolela tse PEDI feela?
Hara dintho tseo nkgono a neng a mo file tsona ke efe eo re ka reng e ne e le ya bohlokwa ho di feta Hobaneng o realo?
Bitsolebe ke seromo. Ka dintlha tse pedi totobatsa sena ka ho hlalosa semelo seo Mmapelepele a neng a le sona.
Nehelana ka ntlha tse pedi tse neng di ka belaetsa Diepollo hore nkgono e ne e hlile e le moloi?
Ho se tsebe ke lebote Bontsha kamoo maelana/sekapolelo sena se netefatsang kamoo kamano ya Diepollo le Dikenkeng e neng e le ka teng.
Kgohlano pakeng tsa Mmateboho/Dikeledi le ba bohadi ba hae ba Matatiele ba neng ba tlile phupung ya Mme.
Tsa kgutla difefo tsane tsa mohla monene. Ha qala maru a matsho, a fifetseng, a tla ka matla a hlaha Borwa, a qhojwa ke moya o matla, o hlabang habohloko eka le kgethehile ka Foreisetata le Lesotho. E ne e le moya o mona oo e reng ha Basotho ba o hlalosa ba re Morwa o bohlile ka letheka. Maru a thiba letsatsi, yaka bosiu athe e sa le hoseng. Pitsa tsa tloswa ka ntle, tsa kenngwa ka hara motlotlwana wa masenke o neng o ahilwe ka morao ka jareteng habo. Ya qala ho tsholoha le pele ba qeta, ya ba kgaoletsa. Ya tsholoha pula, ena ke ya medupe e sa tlo kgaotsa kajeno lena. Lehadima le lona la laima le sa tswa laima, maru a thwathwaretsa habohloko. Tsena tsohle tsa tetebetsa Dikeledi moyeng le ho feta. A hopola mantswe ohle a mmisi Lekena, ao a neng a sa ka a a utlwa ha a ne a buuwa, athe moya ona o ya a utlwa. A nna a rotha ka bonngwe, polelo ka mora polelo, mme moelelo wa ona o ntse o hlaka, ho fihlela a mo kganyetsa hantle, a ba a bona moo a neng a lebisitse teng. Poropotlwana tsane tsa hae tsa bana a bona e se e le ntho disele.
Mmisi Lekena ke mang?
Maikemisetso a Dikeledi ka mora ho qeta materiki e ne e le ho ya yunivesithing efe O ne a batla ho ya ithutelang?
Hlalosa lebaka le ileng la etsa hore Dikeledi a ngolle mohlankana wa hae molaetsa o reng o kopa hore ba kopane ha sekolo se se se tswile.
Ke pherakano efe e ileng ya ba teng e bakilweng ke batho ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi habo Dikeledi?
Ho latela ditaba tsa pale ee, na dipolelo tse sehetsweng mela qotsong e ka hodimo, di na le hoo di ho nohang kapa di ho dupang Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Qalehong mmisi Lekena o ne a sa kgolwe ditaba tseo a di utlwileng ka ho nyalwa ha Dikeledi. Hlahisa feela dintho tse PEDI tse neng di etsa hore a nahane tjena.
Ketsahalo ya hore Dikeledi a bolelle ntate Mofokeng ka sepatjhe sa hae seo a ileng a se thola e senola eng ka semelo sa hae?
Nakong eo Tsekiso a neng a ngometse letsoho la Dikeledi ha a mo fereha, hobaneng Dikeledi a ile a mo thetsa ka ho re titjhere Masitha o a tla?
Se ileng sa utlwisa Dikeledi bohloko nakong eo Tsekiso a neng a mmolella ka molomo hore ba tla kopanela pela habo Mmankileng ke sefe?
Hlalosa hore ke ka baka la eng ha Dikeledi a ile a dumela ho nyalwa ke monna wa komponeng eo a neng a mmitsa kwata, a bile a sa ratane le yena.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa POTSO E TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa DIPOTSO TSE KGUTSHWANE ho KAROLO ena ya C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa potso e kgutshwane ho Karolo ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Bala qotso ena e latelang ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ha le thakgiswe Sebuweng: O a makatsa ka nnete. Toro! Na ka nnete ke toro e ka etsang hore o hanelle ka dikobong ho fihlela ka nako ee A o ke o mphetele tsa toro eo ya hao ke di utlwe! Kotopi: Ke lorile ntate le ntatemoholo ba nketetse, mme taba e nthabisang ke ena ya hore ba ne ba bonahala ba thabile. Sebuweng: Tjhe, bao bona e ne e le batho ka nnete. Mosotho ka bona o ne a nepile ha a ne a re sejana se setle ha se jele. Batho ba neng ba rata borapedi, motho mohla a sa yang kerekeng e le ka mabaka a utlwahalang?
Bolela ntho e le nngwe e neng e thabisitse Kotopi torong eo ya hae.
Toro ena ya Kotopi e ile ya baka ho se utlwane/qabang pakeng tsa hae le Sebuweng. Hantlentle se neng se baka hore ba se ke ba utlwana ke sefe?
Ke sefe se neng se etsa hore maikutlo/ntlhakemo ya Sebuweng e fapane le ya Kotopi tabeng eo e neng e ba qabanya?
Ke ketsahalo efe terameng ee, e bontshang ntle le pelaelo hore Sebuweng o ne a fela a sa batle Makau le moo a hatileng?
Ho latela diketsahalo terameng ee, o ka re Makau ke sebapadi sa mofuta ofe Hobaneng o realo?
Kgohlano e neng e le pakeng tsa Kotopi le Sebuweng ke ya mofuta ofe Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, Kotopi o ile a makatswa ke sefe torong eo ya hae Hobaneng seo se ne se mo makatsa?
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, na o ka re tumelo (bodumedi) e na le seabo diqetong tseo batho ba di etsang bophelong Hobaneng o realo?
Hlalosa hore polelo ena, ' ngwana mahana ho jwetswa o bonwa ka dikgapha', e dumellana jwang le diketsahalo tsa terama ee?
Selelekela; 15.2 Kgolo (ya ditaba).
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse pedi ebe o araba dipotso tse e latelang le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Kgolwane: Ebe tshebetso ya hae e jwang ha e le mo ho bonahala hore re tlameha ho ya dihela dikgala Sware, ke botsa tjena hobane Molefi le yena o lokela ho ba le seabo bohading ba hae. Pitso: Tjhe, tshebetso ya hae e ntle haholo sware. Molefi ke motho ya tsebang ho tshwara tjhelete. Be, ke lebetse le ho o bolella hore ditulo tsena tsa soufa tseo re di dutseng di rekilwe ke yena! Kwana ke dumellana le wena sware hobane hono ho tla mo ruta boikarabelo. Hao! Jwale ke eng ho kang ntho kantle Ere ke thee tsebe ke mamele. Nxa, ke a bona ke ne ke utlwa ditsebe tsa ka?
Kantle ho dibapadi tsee tse pedi, ke sebapadi sefe se sa hlahiswang kgolong ee ya puisano e ka hodimo?
Sebapadi seo o se boletseng ho POTSO 16.3, se amana jwang le Molefi?
Hlalosa hakgutshwanyane sepheo sa kopano ena ya dibapadi tse hlahellang qotsong e ka hodimo.
Kgarebe ya Molefi e amehang ditabeng tsee ke mang?
Molefi ha a se a bitsitswe mme a bolelletswe ka seo ho qetilweng ka sona, o arabela ka ho reng mme o tshehetsa ka lebaka lefe?
A ke o hlalose hakgutshwanyane mabaka a ho menoha hona ha Molefi. Bolela a MANE feela.
Sebapadi se hlahellang moo se neng se nwele mme se robetse ka ntle ke mang?
Sebapadi see se boletsweng ho POTSO 16.9 se bua mantswe ana: "E a bela pitsa ena. Nengneng e tla bela e le ha e lokela ho fahwa". Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, see se dupa kapa ho noha eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsa terama ena, o ka re kgohlano e thehilwe hodima eng?
Ho ya ka moo maloma Molefi a hlalosang Sesotho kateng, ke sefe seo ba habo Molefi ba lokelang ho se etsa ha e le moo Molefi a se a kwenehetse kgarebe ya hae?
<fn>Sesotho HL P2 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 19.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso.
Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso tse PEDI feela ho tsona.
Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
O tshwanetse hore o be o arabile potso e le NNGWE ho KAROLO YA B le potso e le NNGWE ho KAROLO YA C tseo e leng mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa dipotso tse kgutshwane dikarolong tsena.
Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (POTSO YA 1 - 6).
Kgetha mme o arabe dipotso tse PEDI feela dithothokisong tseo o ithutileng tsona selemong sena (POTSO YA 1 ho isa ho POTSO 4); e be o tswela pele ho kgetha le ho araba potso e le NNGWE feela dithothokisong tseo o sa ithutang tsona (POTSO YA 5 le POTSO YA 6).
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Phala ke yang hara kgitla bosiu?
Kweta se entse dihlong mahlong a batho.
Mosadi boko ke sang mafifing?
Di roba motho lengole a sa lemohe.
Re tla robala neng e le bosiu?
Mantswe mafifing re a hweshetsa.
Le hleka mesalla batho bolotsana.
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa thothokiso, tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao, o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao ka hara thothokiso ena.
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Banna, basadi le bana ba rapalla.
Ba wa mofela tjhaba sa fela.
Fatshe la reketla la thothomela.
Bontsha paterone ya raeme eo sethothokisi se e sebedisitseng temanathothokisong tse pedi tse qalang (1 - 4 le 5 - 8).
Hlalosa ka mantswe a hao se bolelwang ke temanathothokiso ya bone (13 - 16).
Bohlokwa ba karaburetso e sebedisitsweng thothokisong ena ke bofe?
Ke sefe se totobatswang ke mokgabisopuo o molathothokisong wa 3?
Ho latela kutlwisiso ya hao, o ka re ke sefe se totobatswang ke thothokiso ena, malebana le ditokelo tsa botho Qoholla molathothokiso o le MONG o tiisang karabo ya hao?
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Ha se mara ha se ho fela.
Ho se ho phahlwa ho phothasela.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Nehelana ka lebaka la karabo ya hao e ho POTSO 3.1.
Ho thwe ke lebaka lefe le etsang hore Ntjheme a se sebetse hantle sekolong?
Lebaka la sethothokisi la ho sebedisa lekgotsi le phetilweng habedi, qetellong ya molathothokiso wa 8 ke lefe?
O ka re sepheo se seholo sa sethothokisi ka thothokiso ee ke sefe?
Ho ya ka wena, o ka re pheko ke efe bothateng boo ho buuwang ka bona thothokisong ee?
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
O llelang athe o moiketsi?
O llelang athe o ratile?
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Ke melathothokisong efe e mmedi moo ho sebedisitsweng phetapheto ya sebopeho sa mela?
Molathothokisong wa 3, ikgethele letshwao (makgabane) le le leng la thothokiso mme o bolele bohlokwa ba lona moo.
Hobaneng sethothokisi se qetella temanathothokiso e nngwe le e nngwe ka 'O llelang'?
Hlalosa hore maikemisetso a sethothokisi ke afe ka kganyetsano/kganyetso e melathothokisong ya 11 le 12?
Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO YA 5 le POTSO YA 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba POTSO YA 5, a se tswele pele ho araba POTSO YA 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba POTSO YA 6, a se arabe POTSO YA 5.
Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba potso e tla e latela.
Eka motho, eka lempetje.
Motho ruri ha a tshwarehe.
A le moputswa pududu!
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa thothokiso, tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Araba POTSO ena ya 6 haeba o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Ke bue ka kgeleke ya seqapi lefaufau.
Kgelekehadi ya pene le pampiri.
Ba tshaba menyabuketso ba tshaba bokgeleke.
Ke sefe seo Liketso enwa a bolediswang ka sona?
Qoholla molathothokiso o le mong feela o dumellanang le karabo ya hao e ho POTSO 6.1.
Akaretsa ka mantswe a hao se bolelwang ke temanathothokiso ya 3 (11 - 15).
Hlalosa bohlokwa ba mokgabisopuo o molathothokisong wa 7.
Bontsha kamoo sethothokisi se sebedisitseng ka katleho lebotsi le molathothokisong wa 6.
Ho latela ditaba tsa thothokiso ena, o ka re molaetsa wa sethothokisi ke ofe?
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA B, o tlameha ho kgetha mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela.
Tsietsi le Tseleng ba siya koloi eo pela seteishene sa mapolesa, mme ba ikela hoteleng. Eitse ha ba fihla, ba kopa lenane la dijo tse jewang tsatsing leo. Tsietsi a tadima Tseleng, yaba o re, ''HO JEWANG KAJENO?
Ke eng eka re jelelletse le masooko tjee'', ho botsa Tsietsi.
O hlokomele re se ke ra tswa kotsi.
Ho fela ntho tse sa sebetseng he tsona tseo'', ho araba Tseleng. ''Ke tsona tseo ho qetwang tjhelete ya bahlophehi ka tsona. Ha e le eo monnamoholo, o ithutile tse kgolo hona kajeno tjena. A ke ke a hlola a pheta. O tla bakela ruri.'
Tjhee, re mo siile le matshediso, ha ho tshwane'', ho realo Tsietsi. ''Ke kgale a eja diponto tsa batho. Kajeno lena le yena leshome le mo lekane!'
Tseleng a tsheha. A boela a tadima Tsietsi ka mahlong, yaba o re, ''HO JEWANG KAJENO?
Koloi ena e siuwang poleseteishene ke ya mang?
Hobaneng baphetwa bana ba botsana potso ena kgafetsa: ''Ho jewang kajeno?
Lenyalo leo boTsietsi ba neng ba le ho lona tsatsing leo, le ne le le polasing. Ke sefe kgaolong ena se tiisang hore e feela tikoloho eo ke ya mapolasing?
Ke sefe seo Tsietsi le Tseleng ba neng ba tshwana ka sona, seo Tsietsi a qadileng ho se tseba ha a le sepetlele?
Hlalosa hakgutshwane kgohlano ya ka hare e bileng teng ho Tsietsi, nakong eo a neng a le ka kerekeng. Tlhalosong ya hao o se lebale ho nehelana ka sesosa sa kgohlano eo.
Nehelana ka mefuta e MMEDI ya maemo a phedisano, e hlahellang kgaolong eo ho qotsitsweng ditaba tse ka hodimo ho yona. Nehelana ka mabaka a karabo ya hao.
Ho latela ditaba tsa qotso ena, o ka re ntlhakemo ya mongodi ke efe malebana le bongaka ba setso Hobaneng o realo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re diketsahalo tsa pale ena ke tsa mehleng efe Tshehetsa karabo ya hao o ntse o ipapisitse ka ditaba tsa pale ena?
Na o dumellana le maikutlo a reng Tsietsi ke mophetwa ya ntlhanngwe Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Moaparo wa Tsietsi mohla a neng a ilo kopana le phofu ya hae ya ho qetela (Sekama Molollope), o dumellana kapa o hanana jwang le kamoo a neng a ikutlwa kateng tsatsing leo?
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
Hore ebe ha ke tsebe se etsahetseng ka Zeblon, ke ne ke sa phomole moyeng. Le ba habo ke ne ke sa ba tsebe moo ba leng teng. Feela ke ne ke tshwenngwa ke hore na ka tsatsi le leng, ha ke teanya mahlo le bona ke tla re ngwana wa bona o jelwe keng. E re ka ha dipampiri tsa ditaba di tletse le naha ena, mohlomong ba tsebile ka hore o ntse a batlwa ke mapolesa. Ha Dikenkeng a nketetse, re ne re bua kgafetsa ka Zeblon. Ka nako e nngwe re ne re qholotswa ke ha re ka bona sehlooho sa ditaba tse buang ka 'special branch' pampiring ya ditaba. Kapa moo ho ngotsweng ka kgohlano ya lekgowa le motho e motsho. Dikenkeng, jwalo ka nna o ne a nka ho nyamela ha Zeblon e le mohlolo.
Zeblon eo ho buuwang ka yena moo ke mang?
Mohatsa Zeblon e ne e le mang?
Lebitso leo Zeblon a ileng a itheha lona hoba a tlohe motseng wa Pretoria ke lefe Ke ka baka lefe a ileng a iphetola lebitso?
Ebe ho iphetola lebitso hoo ha hae ho ile ha mo tswela molemo Hlalosa?
Ka mantswe a hao akaretsa mabaka a ileng a etsa hore Zeblon le mofumahadi wa hae ba etse qeto ya ho tloha Moemaneng.
Ho ile ha etsahalang ka Zeblon mohla ba neng ba tloha motseng oo wa Moemaneng?
Ha Diepollo a tloha lapeng la malomae, o ne a re o ya lapeng habo moo a tswalwang teng empa o ne a sa tsebe hantle hore o lokela ho leba kae.
Ka mantswe a hao, akaretsa ditaba tseo makgerenkgwa a ileng a di bolella Diepollo malebana le hore mmae o hokae.
Tekesing e yang Rammulotsi, Diepollo o ile a teana le mosadi e mong, eo batho ba bangata ba neng ba re o tshwana le yena. Ho ya ka ditaba tsa pale ena ebe motho eo e ne e le mang mme Diepollo yena o tsebile jwang hore o amana le yena?
Tlwaelo e fetoha molao.' Na o dumellana le maele/polelo ee Hlalosa polelo ena o ikamahantse le se ileng sa etswa ke Diepollo nakong eo a neng a le boemelong ba ditekesi tse yang Rammulotsi?
Ha e ne e le wena o ne o tla ikutlwa jwang ha o ne o ka iphumana o le maemong a tshwanang le a bakilweng ke se ileng sa etsahala POTSONG ya 10.11?
Diepollo eo ho buuwang ka yena o qetelletse a fihlile bohadi ba hae motseng wa Pretoria. Hlalosa hore seo se ile sa etsahala ka baka lefe.
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
A sa ntse a ikwahlaya jwalo, yaka mohatsa Lesole o a le utlwa letswalo la hae. A ba a retelehela ka ho yena, a re: ''Wena ntate wa mona lapeng, ke swabile haholo hobane ke ka baka la hao ausi Mmateboho a kentsweng kgotla mona, a qoswa ka Mme. Hoja wa tlohela lehloyo lena leo o nang le lona, wa ipha nako ya ho tseba hore motho enwa eo ho buuwang ka yena ke mang, e ka be o sa ka wa etsa sena seo o se entseng. Batho ba bangata ba o bone motseng mona hore o motho ya jwang. Le ha mosebetsi wa Mme o tsamaile hantle, puo tsa hao, le batho bana beno ba tswang hole kwana moo re sa tsebeng, ba di utlwile. Ke mohau ha e le mona o sa ka wa ipha nako ya ho tseba hore Mme ke motho ya jwang. Hoja o ile wa tseba, e ka ba o ile wa tseba hore ausi Mmateboho o re fumanetse motho ya jwang. Mohlomong motho eo a ka be a ile a phela mona lapeng ha hao. O bile lehlohonolo ha e le mona a hlokahaletse ha hao, a tla fa ntlo ya hao mahlohonolo,'' a ntsha sakatuku, a itlhakola mahlo.
Wena ntate wa mona lapeng ' Motho eo ho thweng ke ntate wa lapeng ke mang?
Mohatsa Lesole o amana jwang le mohatsa motho eo ho thweng ke ntate wa mona lapeng?
Ka mantswe a hao, hlalosa se ileng sa baka hore mohatsa Lesole a be a qetelle a buile mantswe ana a ka hodimo qotsong.
Ha ho se ho fetile nako e ka etsang selemo kapa tse pedi esale Mme a fihla ha Mmateboho, ho ile ha fumaneha hore o na le bohloko bo itseng. Hana o ne a tshwerwe ke eng?
Se neng se etsa hore batho ba bangata ba motseng wa Sharpville, ba rate mosadi enwa ya bitswang Mme ke sefe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na batho ba bohadi ba Mmateboho ba ne ba na le tokelo ya ho mo qosa jwalo ka ha ba ile ba etsa?
Akaretsa ditaba tse ileng tsa lebisa ho nyalweng ha Dikeledi ke monna wa komponeng eo a neng a sa mo tsebe a bile a sa ratane le yena.
Mohlomong motho eo a ka be a ile a dula mona lapeng ha hao.' Bontsha phoqo/tomatso e hlahellang mantsweng ana a mohatsa Lesole.
Ha mohatsa Lesole a se a tseba hantle hore Mme ke mang, o ile a etsa qeto ya ho boloka sephiri seo. Hobaneng a ile a etsa qeto e jwalo Ha e ne e le wena o ne o tla etsang?
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B le KAROLO YA C.
Ka mehla semelo (botho) sa dibapadi se bohlokwa ditabeng tsa terama.
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
E! O, ahe hle abuti Teboho. Uu ! Abuti Teboho wa ka!
Butle! Butle ho ntshwara Dineo, o sa le motswetse e motjha haholo.
Akere ke o thabetse abuti Teboho O kgonne jwang ho kena moo, ha ba hana hakaale?
Ke kgonne mme ke nna enwa...
Se ka mmakatsa. Akere o ntse o mpona hore ke nna eo ke a phela Jwale o mpotsang?
Puisano ena e etsahalla hokae?
Ke mang ya ileng a etsa hore Puleng a lahle Thabo?
Puisano ena e etsa hore babadi ba qahamise ditsebe. Hobaneng?
Ho latela ditaba tsa terama ena, na o ka re mongodi o fihlelletse sepheo sa hae ka puisano ee Tshehetsa karabo ya hao?
Ho thwe ha ho na ntho e mpe e se nang botle. Ho kgaoha ha maqhama a lerato pakeng tsa dibapadi tse pedi tsena, ho ile ha tswala botle bofe?
Ke sefe se tshwanang pakeng tsa dikamano tsa lerato tse bileng pakeng tsa Teboho le Dineo, le tse bileng pakeng tsa Thabo le Puleng?
Hantlentle sesosa sa kgohlano e bileng teng pakeng tsa Teboho le Dineo e ne e le sefe?
Polelo e reng, 'le pele di na le baji' , e dumellana jwang le ditaba tsa terama ee?
Mohla Thabo a neng a kgaohana le Puleng, o ne a bue mantswe ana: 'Nke ke ka hlola ke tshepa kgarebe hore e a nthata, pele ke ikgodisa ka hohlehohle!' Ho ya ka ditaba tsa terama ena, maikutlo ao a hae e bile taba ya nnete kapa e ne e le mohopolo feela o tliswang ke bohloko Hobaneng o realo?
Qeto eo Puleng a ileng a e etsa ya hore a lahle Thabo, e mo pepesa e le motho wa semelo sefe Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Qoqa mme o hlalose seabo sa Mapetla kgohlanong e hlahiswang ditabeng tsa tshwantshiso/terama ena. Bolelele ba ditaba tsa hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450. Se lebale ho tiisa dintlha tsa hao ka ditaba tse hlahang tshwantshisong ena.
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse tharo ebe o araba dipotso tse e latelang, le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Tjhe, bo bashana, ha ho na bohloko ba letho boo ke bo utlwang. Hape ha ho bothata bofe kapa bofe boo ke iphumanang ke le ka hara bona. Ha e le hantlentle ke iphumana ke le sehlohlolong sa monate wa bophelo ba ka.
Molefi, na ditsebe tsa ka di utlwa hantle seo o se bolelang?
E, ho jwalo, Mofammere. Seo o se utlwileng se fela se le jwalo. Banna e-e, a ke le duleng fatshe ke le phetele seo le neng le sa se tsebe. Etswe ha ke a lokela ho le patela sona hobane nna le lona re tswa nqa e le nngwe. Ha e le tatse yona banna ba heso re se re tla e bona ka letsatsi le leng. Banna e-e, tsebang hore ke se ke kwenehetse Montsheng. Ha e le Mofammere yena...
Lebitso la kgarebe ya pele ya Molefi ya moo Mafotholeng e ne e le mang tshwantshisong ee?
Bolela lebitso la sebapadi seo e leng mohanyetsi tshwantshisong ena.
Bolela lebitso la kgarebe eo Molefi a neng a qetelle a e nyetse tshwantshisong ena.
Jwalane e ne e le e nngwe ya dikgarebe tsa Molefi tshwantshisong ena. Hana Jwalane o ne a sebetsa toropong efe yena?
Molefi o ne a rata ho nyala Jwalane, empa Jwalane o ne a se a na le ngwana. Hana ngwana eo wa Jwalane o ne a se a le dilemo di kae?
Molefi o bolela hore 'ha ho na bohloko ba letho' boo a bo utlwang. O boetse o bolela hore 'ha e le hantlentle o iphumana a le sehlohlolong sa monate wa bophelo' ba hae.
Ha e le hantlentle ke eng se thabisang Molefi hakaale hoo a iphumanang a le sehlohlolong sa monate wa bophelo ba hae?
Basotho ba re mofuta ha o nkgwe ka nko e se leqoba la kwae. Hlalosa bonnete ba maele ana o ipapisitse ka diketsahalo tse ileng tsa hlahela Molefi hamorao.
Ho ya ka ditaba tseo o sa tswa di hlalosa karabong ya hao ka hodimo (16.6.2), ho bonahala maemo a ditaba a ile a fetoha ka tsela e sa lebellwang. Hlalosa hakgutshwane feela ka moo mongodi a sebedisang ketsahalo ena ho bopa kgohlano sengolweng sena.
Qotso ena eo o sa tswa e bala ke karolo ya ditaba tse ntjha moo Molefi a re utullelang hore o fumane lerato le letjha, le hore ha a sa batla kgarebe ya hae ya mehleng, e leng Montsheng.
Na o ka re karolo eo ditaba tsena (tse hlaloswang ka hodimo) di hlahellang ho yona sengolweng see, e ka bitswa ka hore ke Kgetha karabo e nepahetseng ho tseo o di filweng mona ka tlase.
Hlalosa hakgutshwane lebaka la kgetho eo o e entseng karabong e ka hodimo ho POTSO 16.7.1.
Bolela lebaka le leholo le entseng hore Molefi a hlanohele kgarebe ya hae ya pele.
E ne e le molotsana, e kentse mohlankana e mong ka lehafing.
E ne e buela hodimo haholo ha ho buuwa le yona.
E ne e na le ngwana mme e sa ka ya bolella Molefi pele ho moo.
E ne e hlaha lelapeng le futsanehileng.
Tikoloho dingolweng ke lentswe le hlalosang kapa le bolelang sebaka seo dibapadi tsa terama di phelang ho sona ka nako e itseng, mme tikoloho e na le tshwaetso e itseng semelong sa dibapadi tseo.
Hlalosa tikoloho eo Montsheng a hlahang ho yona le ka moo mongodi a e sebedisang ho bopa semelo sa hae ka teng.
Boela o hlalose tikoloho eo Jwalane a hlahang ho yona le ka moo mongodi a e sebedisang ho bopa semelo sa hae ka teng.
<fn>Sesotho HL P2 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 18.
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso.
Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
E le NNGWE ho KAROLO ya C.
Araba potso e le NNGWE ho KAROLO ya B le potso e le NNGWE ho KAROLO ya C; mohlahlobuwa a arabe potso e le nngwe ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le nngwe ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane dikarolong tsena.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Metsotso e 55 KAROLO ya C.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tsona.
Thothokiso ya 2 - O ya kae?
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
O tshwanetse hore o be o arabile potso e le NNGWE ho Karolo ya B le potso e le NNGWE ho Karolo ya C tseo e leng mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa dipotso tse kgutshwane dikarolong tsena.
Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (Potso ya 1 - 6). Araba potso tse THARO feela karolong ena.
ELA HLOKO: POTSONG ya 1 ho isa POTSONG ya 4 kgetha dipotso tse PEDI feela mme o boele o kgethe e le NNGWE feela pakeng tsa POTSO ya 5 le POTSO ya 6.
Batho ho menahanwa le mehlala.
Ka pele moruti a phafe ka thero.
Ke moruti eo.
Moruti o rata le thoriso hle!
Ho habilwe basadi ho phoqa tumelo.
Thero tsa mehleng di kae moruti?
Ngola ka bolelele ba mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi, tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Hoba nna ruri ke a hlora.
Hoba nna thabo e nkaha maikutlo.
Ho sebedisitswe mofuta ofe wa phetapheto molathothokisong wa 14?
Ntle le lebaka le molathothokisong wa 7, sethothokisi se re ke sefe se seng hape se etsang hore se hlore?
Ke mofuta ofe o le mong wa maikutlo o totobatswang ke sethothokisi temanathothokisong ya ho qetela?
Ho se tshwane ke hofe pakeng tsa kamoo kgefutsohare/kgefutso/sejura, e sebedisitsweng kateng moleng wa 6 le wa 14?
Matshwaong ao mofuta ona wa thothokiso o tsejwang ka ona, ke lefe leo thothokiso ena e se nang lona?
Molathothokisong wa 7, sethothokisi se nehelana ka lebaka le etsang hore se hlore. Na o ka re lebaka leo ke la nnete le ka etsang hore motho a hlore Hobaneng o realo?
O qobe manyala o qobe ditshila.
Mosadi boko ke sang mafifing?
Di roba motho lengole a sa lemohe.
Le hleka mesalla batho bolotsana.
Kgomohadi di a komakoma ho dubehile.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Bolela mokgabisopuo o sebedisitsweng molathothokisong wa 8.
Ho latela thothokiso ena, lentswe lena 'fiela' molathothokisong wa 11, le re bolella eng ka tshebetso ya mapolesa moo Hyde Park?
Ka mantswe a hao hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 8.
Hobaneng sethothokisi se sebedisitse lebotsi moleng wa 5?
Bohlokwa ba tlohelo e sebedisitsweng molathothokisong wa 5 ke bofe?
Bana ba batho hle!
Ke molathothokisong ofe moo re tsebiswang hore bahlankana ha ba batle ho nyala?
Mokgabisopuo o sebedisitsweng molathothokisong wa 16 ke ofe?
Ho sebedisitswe makgabane afe molathothokisong wa 9 ho totobatsa hore sena se jang ngwana wa batho, se mo ja ka nako tsohle?
O ka re thothokiso ena, e re lemosa makgabane afe a Basotho ha ho tluwa lenyalong?
Qetellong ya temanathothokiso e nngwe le e nngwe, sethothokisi se qetella ka molathothokiso o tshwanang. Hanasena se bitswang dithothokisong Molemo wa sona ke ofe?
Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO ya 5 le POTSO ya 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba POTSO ya 5, a se tswele pele ho araba POTSO ya 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba POTSO ya 6, a se arabe POTSO ya 5.
Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 KAPA POTSO YA 6.
Araba POTSO ya 5 kapa POTSO ya 6.
Hata butle hle, o se senye e metle metsamao.
Hata butle hle, hata butle o se kgetshemele.
E, hoba lena lefatshe le a bua.
Maraba a teng a tshwara mofela.
Ngola ka bolelele ba mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/ dibetsa tsa thothokiso tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Araba POTSO ena ya 6 haeba o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
E, o nketsisane mohloka tsa hae.
Ebe o ya kae ngwana monna.
E, tsona di matlafatsa masapo, di bohlisa kgoshane.
Empa wena Mosotho o ya kae.
Temanathothokisong ya bobedi sethothokisi se sebedisitse mofuta ofe wa karaburetso?
Ho ya ka thothokiso ena, lebaka ke lefe le etsang hore sethothokisi se ipotse potso ena: O ya kae?
Bohlokwa ba tatolano/kganyetsano e molathothokisong wa 12 ke bofe temanathothokisong eo?
Molemo wa mokgabisopuo o moleng wa 7 ke ofe temanathothokisong eo?
O ka re sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo afe Hobaneng o realo?
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, o tlameha ho kgetha mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho Karolo ya C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO ya B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450 qoqa ka semelo sa baphetwa ba latelang.
Tsamaya ka kgotso pelo ya ka,'' ke Tsietsi eo ka maikutlo a lobehlaneng. ''Ke tla o hopola ka mehla. O tsebe hore ke wena pelo ya ka. O tsebe hore ha o se o ile, o ile le pelo ya ka, mme nna mona moo ke setseng ke setse ke se na pelo. Hohang, ha ke sa na pelo. Empa ke a o tshepisa hore bao ba kgaotseng bophelo ba hao ka sehlooho, le a bona a tla kgaolwa ka sehlooho. Ke a o tiisetsa kae kapa kae moo o leng teng wena pelo ya ka. Ke tla itima boroko. Ke tla itima phomolo. Bao ba inketseng matsatsi a hao, le a bona a tla nkuwa. Ke a o hlapanyetsa wena lehakwe la ka. Nke ke ka phomola pele dilalome tseo di o latela, le ha di ka nka tsela esele''.
Mophetwa enwa ya buang mona o bua le mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya pale ena, mophetwa enwa o bolela eng hantlentle ha a re: ''Hohang, ha ke sa na pelo''?
Qoholla ketsahalo e le nngwe feela paleng ena e netefatsang karabo ya hao e ho 8.2.
Taelo ya ho qetela ya mophetwa enwa ya bitswang ''pelo ya ka'' e bile efe?
Ke ketsahalo efe e le NNGWE e pakang hore mophetwa enwa, o ne a fele a phethisa ditshepiso tsa hae?
Na o ka re maele a reng molamu o boetse sefateng, a dumellana le ketsahalo ee e qotsong e ka hodimo Hobaneng o realo?
Ho ya ka diketso tsa mophetwa enwa ya bitswang ''lehakwe la ka'' ketsahalong ena pele a ikela, o ka re mongodi o totobatsa makgabane afe bathong ba basadi Bolela a MARARO feela?
Hlalosa ka dintlha tse THARO tikoloho eo ketsahalo ena e etsahalletseng ho yona.
Hlalosa ka dintlha tse THARO hore ho ne ho etsahala eng mona ha mophetwa enwa a tla iphumana a lahlehetswe ke lehakwe la hae.
Ke ntho dife tse PEDI tseo o ka reng ha di kgolwehe ketsahalong ena eo ho qotsitsweng ditaba tsa yona?
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450 qoqa (hlalosa) ka semelo sa baphetwa ba latelang.
Monna eo e ne e le motjhesi wa Dikenkeng, Moses. Ke ka hoo lentswe la hae le neng le tlwaelehile tsebeng tsa ka. Ka nako e nngwe ba kile ba etela ha ka ba le babedi le Dikenkeng. Ke ne ke mo tseba e le lepolesa hape e le radipolotiki, ntho eo ke neng ke sa e tsebe ka yena ke hore e ne e le leaskari, mpimpi ya Makgowa. Ke ne ke hloletswe ha ke nahana ka moo ke neng ke phetletse Dikenkeng sefuba ka teng. Ke ne ke mo nkile e le motswalle wa hlooho ya kgomo, motho eo re ntshanang se inong le yena. Ke ne ke sa tsebe hore ke nta selomela kobong'' ho realo Diepollo.
Diepollo o ne a bua le mang seratswaneng se ka hodimo?
Diepollo o ne a amana jwang le motho eo a neng a bua le yena potsong ya 10.1?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya pale ee, ebe setswalle sa Diepollo le Dikenkeng se ne se thehilwe hodima motheo wa nnete Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ke ditaba dife tseo Diepollo a neng a ile a phetlela Dikenkeng sefuba ka tsona?
Ke bophelo ba mang bo neng bo behilwe kotsing ke taba ena ya hore Diepollo a phetlele Dikenkeng sefuba sa hae Hobaneng?
Hlalosa lebaka le ileng la etsa hore Diepollo le monna wa hae Zeblon Ramokgopa ba balehe motseng wa Moemaneng moo ba neng ba dula teng.
Fana ka lebaka leo Diepollo a ileng a le fa mohlokomedi wa lehaeng la maqheku ha a ne a mmotsa hore ke hobaneng a ile a tlohella mosebetsi wa booki kwana Moemaneng.
Ho ya ka maikutlo a hao, na ho ne ho lokela hore ebe Diepollo o ile a lahlehelwa ke mosebetsi wa hae tliliniking ya Moemaneng Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ke oporeishene ya mofuta ofe eo Mmamolete a neng a lokela ho e etsa Hana o ne a lokela ho ya e etsa sepetleleng sefe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya pale ena o ka re mekutu eo Diepollo a ileng a e etsa ho pholosa bophelo ba Mmamolete e mo totobatsa e le mophetwa wa mofuta wa ntlhanngwe kapa ya phethahetseng. Hobaneng o realo?
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450 qoqa ka semelo sa baphetwa ba latelang.
Ka mane ka jareteng ho ntse ho na le ba binang ya bona pina. E mong a se a bile a omanyetswa jwala boo a bo utswitseng. O utlwe bomme ba se ba leleka motho pitseng tsa bona, athe e mong ka mona o se a kentse sekaqahadi sa nama ka hara pokotho ya baki. Bana ba bokanetse monyadi le monyaduwa mme ba ntse ba bolela kamoo ba leng batle kateng. E mong ya maminanyana o se a hatile molelema o ka morao wa lesira, a ntse a itlhakola mamina ka letsoho a ba a mo tlweba ho ya tsebeng. Mme e mong ke eo a se a hlaha ka lefielo a leleka bana. Ba bang motho wa teng o lapile. Mme ya mohau ke enwa o se a hlaha a tshwere lebekerehadi la seno se bitswang kgemere, sejana se seholo sa dikuku le dikopi tsa pampiri a neha bana bana. Jwale ho qala letlaburu, e mong le e mong o batla ho phamola kopi, a nke le kukunyana pele di fela.
Ha e se e le mantsiboya ba nyalanang ba kena ka tlong. Jwale ho kopana ba lelapa feela, mme ho tlo lauwa batho ka bophelo ba lenyalo. Ka moo ba le bolelang ka teng motho a ka ba a re lenyalo ke lefu. Malome o se a bo kgile mme le mantswe ha a sa a qapodisa hantle. Rangwane le yena ke enwa ha a a nyala empa o batla ho fa batho keletso ka lenyalo.
Fana ka mabitso a banyalani ba BABEDI bao ho buuwang ka bona seratswaneng se ka hodimo.
Monyaduwa o ile a rehwa lebitso lefe la bohadi?
Banyalani bana ba ile ba hlohonolofatswa ka bana ba bakae?
Hlalosa hore ke pherekano efe e bileng teng mohla ba habo monyadi ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi.
Ka mantswe a hao akaretsa diketsahalo tse ileng tsa etswa ke monyaduwa letsatsi pele ho lenyalo la bona.
Hoseng ha le latelang ke ketsahalo efe e ileng ya tshosa monyaduwa ka ho fetisisa e bakilweng ke se etsahetseng potsong ya 12.5?
Ho fihla ha Mme lapeng la banyalani bana, ho totobatsa mofumahadi wa lapa lena e le motho wa semelo sefe Nehelana ka lebaka la karabo ya hao?
Ho latela ditaba tsa pale ena, dumellana kapa o hanane le maele a reng 'Pinyane ha e senye motse'?
Ha Mme a se a hlokahetse, monyaduwa o ile a mo patela lapeng la Bafokeng. Sena se ile sa baka qabang e kgolo pakeng tsa monyaduwa le Bafokeng ba neng ba tseka hore hobaneng ha Mme a patetswe ha mora bona e se wa leloko. Ha e ne e le wena monyaduwa eo, o ne o tla etsa jwang Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka?
Ho ya ka maikutlo a hao ebe Mmisi Lekena o ne a nepile ha a ne a hanela monyaduwa hore a nyalwe. Hobaneng o realo?
Ke lebaka lefe le entseng hore monyaduwa enwa a se ke a thabela monyetla wa ho itokolla lenyalong leo a neng a sa ratane le motho ya mo nyalang ha rakgadiae a re a ka nna a itokolla?
Ke ketsahalo efe paleng ena e re bontshang hore ka nako tse ding bophelong re ka tshaba diphephetso tse itseng, athe bokamoso ha bo bobe jwalo ka ha re tshohile.
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) hoKAROLO ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO ena ya C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO ya B le KAROLO ya C.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450 sekaseka kgohlano ya terama ena.
Diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano ena e ile ya nama le ho qaphaletsa/ama le batho ba neng ba sa amehe qalehong ya pale.
Ke thapama, haufi le molatswana o phallang. Lesodi o dutse moo a le mong, mme o ferekane.
Moya wa ka o farasitse habohloko. Ke ikutlwa ke bile ke fokola, mangole a kgwehla. E, e ka re ke yona kgutsana e se nang beng. E, ntate. Bohale ba ntate bo mpehile tsietsing ha e le mona ke tlameha ho tobana le yena ka taba ena. Ke bile ke nahana ka tsela e nngwe. Eya bo, ke tlameha ho buisana le malome, yena a mpe a nkele ho ntate le mme. Kgasiane! Kgasiane o hapile pelo ya ka. Ke lokela ho raha moritshwane, mme bothata ba ka ke ntate. E, ha ke tloha mona ke ya ho malome, o tlameha ho nthusa. E re ke hle ke ye.
Ke sebakeng sefe moo Lesodi le Kgasiane ba neng ba atisa ho kopanela teng?
Ke sefe se ileng sa qabanya Maleshwane le Pela, phirimaneng ya lona tsatsi leo Lesodi a neng a dutse molatswaneng ka lona?
Ke ketsahalo efe terameng ena, e bontshang hore Pela le ha a ne a le bohale, o ne a amohela dikeletso tsa batho ba bang?
Dibapadi tse pedi tsa sehlooho terameng ena ke dife?
Ho ya ka ditaba tsa tshwantshiso ena, bapisa ka ntlha e le NNGWE semelo sa Pela le maloma Lesodi?
Bohlokwa ba boipuiso bona ba Lesodi ke bofe Nehelana ka ntlha e le NNGWE e hlahang hona boipuisong bona?
Ho ya ka wena ebe ditaba tsa terama ena di pepesa Kgasiane e le sebapadi sa semelo sefe Fana ka lebaka la karabo ya hao?
Ho latela kutlwisiso ya hao terameng ena, na o ka re maele a reng: 'mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng', a dumellana le diketsahalo tsa yona Fana ka lebaka la karabo ya hao?
Ke diketsahalo dife tse PEDI tse bontshang hore diketsahalo tsa terama ena di itshetlehile setsong (botjhabeng) sa Basotho?
Qoqa ka semelo sa Molefi o ipapisitse ka ditaba tsa tshwantshiso ena. Bolelele ba moqoqo wa hao e be ba mantswe a 400 - 450.
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse pedi e be o araba dipotso tse e latelang le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Sware, ka mokgwa oo kgaitsedi le motjhana ba buileng ka teng, ke utlwisisa eka ha o na ngaka e lebetseng lelapa lena la hao. Na ebe kutlwisiso eo ya ka e nepahetse?
Ho fela ho le jwalo sware. Rona bakeresete ha re dumele ho dintho tseo tsa bohetene. Ke dumela hore tabeng ena ya Jwalane ha ho na ditlhare tsa letho tse sebedisitsweng. Hoo e leng nnete ke ho re ba boJwalane, le yena Jwalane ka boyena ke batho ba bolotsana. Ke re ha ba tshepahale hobane ha ba a ka ba tloha ba boletse hore Jwalane o na le ngwana le monna osele. Hape molotsana eo wa ngwanana ha a ka a tloha a bolelletse mora enwa wa ka hore o na le ngwana le monna e mong nakong eo a seng a ratana le yena. Jwale ke batla ho tseba hore na ditlhare di kena jwang mona?
Sware, ke bona eka o tla tshirelwa ke ntlha ya bohlokwa tabeng ena. Seo ditlhare di ka se etsang ke ho dihela motho bathong ba bolotsana jwalo ka bana bao re seng re wetse ho bona; kapa di etse hore motho a hane lehlohonolo la hae; kapa di etse hore a hlahelwe ke bomadimabe bofe kapa bofe. Ka tlasa mabaka ana ao ke qetang ho o bolella ona, ke dumellana le mohopolo wa Mojabeng le Disebo ha ba re o itlhatlhobe; o be o tiise lelapa la hao. Le hona sware, o lokela hore o batle ngakatjhitja eseng ngakana-ka hetla.
Sware, nke ke ka ba ka bitsa batho bana bao o tla fumana ba rwetse matlalo a dinakedi le a diphokojwe ho tla ha ka mona. Ruri bakeresete ba bang hammoho le fatere ba ka mmakalla hampe ha ba ka ba bona ho kena motho ya rwetseng kuwane ya letlalo la thallere ha ka mona. Bonyane ntho eo nka...
Kgohlano ha e ntse e hola e qhaphaletsa le dibapadi tse ding tse ka thoko. Ke sebapadi sefe ho tsee tse pedi seo o bonang se se se qhaphaleditswe ke madi le sona?
Bolela sebapadi se ka sehloohong (moetapele) tshwantshisong ena.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao o ka re sesosa sa kgohlano tshwantshisong ee ke sefe?
Seabo sa monnamoholo Mapetla tshwantshisong ee ke sefe?
Tiisa kgetho ya hao (karabong ya hao e ka hodimo ho 16.4) ka lebaka.
Mongodi o sebedisitse tikoloho ho hodisa le ho ntshetsa pele kgohlano tshwantshisong ena.
Puisano e dipakeng tsa dibapadi tsena tse pedi e ne e le mabapi le Molefi le sebapadi se bitswang Jwalane.
Ke eng se neng se etsahetse ha dibapadi tsee di buisana tjee?
Akaretsa ka dintlha tse THARO diketsahalo tse ileng tsa lebisa ho kopaneng ha Molefi le Morongwe.
<fn>Sesotho HL P2 Nov. 2009 Memo.txt</fn>
Memorandumo ona o na le maqephe a 28.
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele. Mohlahlobuwa ha a lokele ho araba dipotso ka bobedi bukeng e le nngwe k.h.r.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho KAROLO YA A (ho Puo ya Lapeng le ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tsa mofuta wa potso e telele ho KAROLO YA B le ya C (Puo ya Lapeng), motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, motshwayi a tshwaye karabo ya pele ho Karolo e nngwe le e nngwe, ha feela mohlahlobuwa a arabile potso e le nngwe ya mofuta wa potso tse telele le e le nngwe ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-a kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng.
Dikahare Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong).
Bohlokwa ba lona ke ho hohella mmadi tabeng e buuwang moleng oo./ le ka boela la nehelana ka karaburetso ya kutlo moleng wa pele ha moleng wa 16 ho bontsha toboketso ka lentswe hle!.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Ho nehelana ka matlafatso/ toboketso lentsweng kapa mantsweng a tlisitsweng pele molathothokisong.
Ho potlakisa morethetho/ ho bontsha hore moelelo o fetela molathothokisong o hlahlamang/ ditaba tse builweng molathothokisong di fetela ho o latelang.
Kgatello ya mantsweng a phetwang/ matlafatso ya mohopolo o phetwang.
Ho nehelana ka sefutho lentsweng.
Ho nehelana ka sefutho lentsweng/ ho natefisa/ ho tsepamisa monahano wa mmadi.
Ho bopela mmadi setshwantsho se setle sa se hlaloswang./lentswe le kgohlelang hantle ho re fa moelelo o utlwahalang.
Ho nehelana ka toboketso/ matlafatso lentsweng.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
ha mohlahlobuwa a sa hlahisa makgabane/dihlomo/dibetsa ho hang , ha a abelwe letshwao ho hang bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse sehlomo/sebetsa se le 1 a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 2 a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 3 kapa ho feta, a abelwe matshwao a 4 bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse tse makgabane a fetang tse 3, motshwayi a bale karabo kaofela, mme a bontshe ka letshwao () dintlheng karabong yohle moo mohlahlobuwa a fositseng teng motshwayi a bontshe ka letshwao (X).
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (ho tloha ho Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile lekgetheng le le leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlobuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehela-no e nang le nehele-tsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo.
Tshekatsheko ke e babatsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fapaneng ho sengolwa.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso le ya sengolwa sa mofuta ona.
Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho.
Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme o di tiisa ho tswa sengolweng.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng.
Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefutho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e le e ka hodimo ho e mahareng; e paka kutlwisiso ya sengolwa.
Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Momahano e hlahella selelekeleng, qetellong le ditemaneng tse itseng.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa sengolweng se botsi-tsweng.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela e kgotsofatsang le ha e se dintlha tsohle tse utullutsweng ka botlalo.
Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Dintlha boholo di tsheheditswe le ha bopaki e se bo kgodisang hakaalo; ho bonahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore sebopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqo-qong wa hae.
Sehlooho se okolwa feela tlhalosong; dintlha tse hlahiswang di supa boiteko bo fokolang ha a araba potso.
Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ha-mpe karabelong ya hae ya potso. Dintlha tsa hae ha di kgodise, ha di tshehetswe ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sa mofuta ona.
Sebopeho se bontsha diphoso tse entsweng moralong; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Dira-tswana di fosahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tatellano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahetseng.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e bontshang kutlwisiso e fokolang haholo.
Tshekatsheko ke e fokolang; ho bile ho na phetapheto ya dintlha tse ding. Dintlha tse ding di tswile lekoteng.
Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na ditlhaloso tse fosahetseng.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosahetseng.
Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme le ditaba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho.
Ho bonahala boitekonyana bo itseng ba ho araba potso, empa ho thata ho hlalohanya ditaba tsa hae.
Tshekatsheko ya hae ya potso e bontsha bofokodi bo boholo; dintlha tsa hae ha di bontshe kutlwisiso ya thothokiso. Dintlha tsa hae di tswile lekoteng.
Ho etswa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tsa hae boholo ha di na kamano le thothokiso e botsi-tsweng.
Ha ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho diratswana kapa kgokahano.
Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshe-kong ya hae. Karabong ya hae ha o ke ke wa utlwi-sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di loketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele, boholo di hlahella nehelanong di sebedisitswe ka tsela e nepahetseng.
Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Diphoso tsa puo di bonahala ka bongata. Tshebediso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele, boholo ba nehelano yohle di hla-hella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
Phetapheto ya moelelo.
Ke diphoso/difanya tse teng lefatsheng/ho tingwa thuto.
Ke maikutlo a thabo/a ho nyahama/ho sulafallwa.
Molathothokisong wa 14 e bontsha tekano kapa tshwano ya moelelo mantsweng a e kentseng hare athe ho wa 6 e fokotsa/katla/kgina morethetho ntle ho ho lekanya moelelo/Se tlang pele se lekana le se tlang morao.
Kganyetso e latolang se buuweng meleng e 6 e qalang/Tharollo e atisang ho hlaha meleng e 8 ya ho qetela/Sonete ya Senyesemane a na le mela e 3 le e mmedi ha e latele mofuta wa sonete ya Setadiana ya mela e robedi e tsheletseng mme ha ho na raeme.
Karabo e le nngwe feela.
E, ke la nnetev hobane setjhaba ha se hloka kgotso ho phelwa ka matswalo ebe batho ba a hlora.
Le re bolella hore mapolesa a tshwere ka thata ho phutha batho bohle moo hore ho se sale letho/Ho tlosa batlodi ba molao kaofela.
Dikebekwa tseo di kotsi, di pelompe di ka imisa mosadi a sa ikemisetsa/Di emarisa/senya mosadi a sa lebella/Di a beta, di be di fe ngwana mosadi a sa lebella..
Se maketse e bile se hlolletswe. Se makaditswe ke ho utlwa boko sa mosadi fifing leo, le hona tulong eo e kotsi.
Bohlokwa ba yona ke ho neha lentswe leo sefuthu/matla/kgatello/Ho hlalosa/fana ka karabo ya se botsitsweng/Ho potlakisa morethetho/Ho qatsohisa lentswe.
E le nngwe feela.
Ka tsela ya hore mohlankana ke enwa o rutehile, kutlwisiso ke hore o a sebetsa empa o hana ho nyala o batla ho etsa monyala ka pedi. O a sebetsa empa o batla o lekgonatha.
Motho o ne a ke ke a hanelwa ho nyala hobane e le mofutsana.
Diqaka/mathata ba a rarolla ka dipuisano.
Ba nena motho ya iketsang mohloki empa a ena le bohona/bokgoni.
Mohlankana wa Mosotho o ne a lokela ho raha moritshwana ha a batla ho nyala.
E le nngwe feela.
Lehlaso/phetamola/pina/reforaime/lekodilo. v Bohlokwa ba lona ke ho toboketsa kapa hona ho sidilella mohopolo oo sethothokisi se buang ka wona.
Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e itshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng.
Dikahare Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le netefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e potsong).
Ho katla morethetho/ho bontsha ho lekana ha moelelo ho se tlang pele ho yona le se e latelang.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Ho nehelana ka toboketso/matlafatsa lentsweng le phetwang.
Phetapheto ya mantswe qalong.
Ho tlisa kgatello lentsweng le tlisitsweng pele tatelanong ya mantswe molathothokisong.
Ho nehelana ka toboketso lentsweng le phetwang.
Ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa seo ho buuwang ka sona.
Ho hatella/toboketsa seo sethothokisi se se hlalosang.
Ho hlakisisa kapa sidilella mohopolo oo kelellong ya mmadi.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng.
ha mohlahlobuwa a sa hlahisa makgabane/dihlomo/dibetsa ho hang , ha a abelwe letshwao ho hang bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse sehlomo/sebetsa se le 1 a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 2 a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse 3 kapa ho feta, a abelwe matshwao a 4 bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse tse makgabane a fetang tse 3, motshwayi a bale karabo kaofela, mme a bontshe ka letshwao () dintlheng karabong yohle moo mohlahlobuwa a fositseng teng motshwayi a bontshe ka letshwao (X).
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwai a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwai o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng la 11 ka hodimo bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (ho tloha ho Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile lekgetheng le le leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwai a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlobuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Thothokiso ya 6: O ya kae?
Se bona Basotho ba kgeloha tsela, ba tlohela ditlwaelo tsa bona ba kgomarela tsa ditjhaba tse ding/ Se a iketsa, se tseka botjhaba ba sona./Se llela botjhaba ba sona.
Ke ho phoqa/soma hobane se kudisang bana ke sona sena seo ho thweng se molemo se matlafatsa mmele/Di a thusa ebile di a senya.
Ke ho totobatsa hore Mosotho o thetsehile ruri hobane dintho (diaparo) tsa hae tsa setso, o di nyonya haholo o kgahlilwe ke tswa makomofere/Ke maikutlo ka ha Basotho ba lahlile meetlo ya bona./Re latela baditjhaba/Ba hloile diaparo tsa bona jwalo ka sa ntja le katse.
Ka maikutlo a ho teneha/sithabetseng/a fatshe/a bohloko le ho fela pelo. v Hobane se bona Basotho ba lahla dintho tsa bona tsa setso empa ditjhaba tse ding tsona di tseparetse ho tsa tsona.
O kgopo e bile o leqoophe. O ile a qophella ho iphetetsa ho Tsietsi ka sehloho.
Ke motho ya hlokang botsitso. Ha a se a siuwe ke Makgaola, o ne a se a batla ho kgutlela ho Tsietsi.
O makoko/a ikgohomosa ha a re letho ka motho e mong. Bareki le basebetsi ba habo o ne a ba kgella fatshe, a ba kgaruma ho se moo a ba behang.
Ke motho ya manganga. Batswadi ba hae ba ne ba mo kgalemelletse boitshwaro bona ba bile ba behile fatshe.
O a tella/O pelo e mpe/O arabisa batho hampe.
Ke motho ya tshepahalang. Le ka mohla ha a so kwenehele Tsietsi.
O na le mamello. O ile a wa a tsoha le Tsietsi ho fihla lefung.
O bohlale. Diketso tsa hae tse fapaneng di a paka - mokgwa oo a ileng a thobisa Tsietsi ka wona sepetlele jj.
Ke motho ya nang le botsitso. Diqetong tsa bona o ne a sa suthe.
O sebete e le ruri. Dintwa tseo a di hlanakileng mmoho le Tsietsi di a paka.
O tshepahala ho Tsietsi empa mosebetsing wa hae ha a tshepahale.
O lerato ka baka la ho shwela Tsietsi.
Ke motho ya bohlale haholo. O fupuditse ka bohlale a ba a tseba bao e leng batswadi ba hae hantle jj.
O na le botho. O ne a sa hlekefetse motho ntle le mabaka.
O sebete. Le ha Kotsi a ne a mo lelekile kgetlo la pele, o ile a kgutlela a sa tshabe letho. A thoba sepetlele. A tshwarisa mapolesa phupe ka nako tsohle jj.
O leqoophe ka baka la ho latella seo a batlang ho se fihlella e bile o na le mamello.
O na le botsitso. Diqeto tsa hae ha a suthe ho tsona.
O masene jwalo ka phokojwe. O phelekanyeditse mapolesa ka makgetlo. A phela ka boikgakanyo.
O bolela hore o felletswe ke mohau le qenelo/botho le mamello, o tla iphetetsa ka sehloho.
Ka mora mona o ile a tsoma babolayi ba Tseleng a ba qhanyatsa ntle le mohau. O qadile ka Tjhaile Sekotolo/Sekolokoto le Mohanuwa, a ba bolaela ka kamoreng.
Tsetsela Tlokotsi yena a mmolaisa ka batho ba ileng ba mmolaya sehloho.
Kgephola Qamaka le yena a mo thunya ka sehloho, a mo thunyetsa ka kerekeng moruti a ntse a rera. vv Ruri enwa motho ha a sa na pelo!
E le nngwe feela.
O ile a re eo a sale a hodisa lesea leo la bona.
Tsietsi o ile a nnetefatsa hore ngwana o hlokomelehile nakong eo a ileng mererong ya hae ka ho mo siya le mosadimoholo le ntatemoholo (Mmamaema le Ramaema) bao a neng a dula le bona, yena le Tseleng.
E, o boetse sefateng.
Mohanuwa ya kileng a bolella Tsietsi ka le leng hore o tla mmatlela batho, ba mo kgakgathe hobane a mo lahlile, ke yena le batho ba hae ba thuntseng Tseleng.
Tsietsi o ile a phethisa tshepiso ya hae ho Tseleng hore bao ba kgaotseng bophelo ba hae, le a bona a tla kgaolwa ka sehlooho.
Tjhe, ha o a boela sefateng.
E le nngwe feela.
Batho ba basadi ba sebete. Tseleng o shwa tjena a hlanaka e mahlo mafubedu.
Ba na le mamello. Mamello ya Tseleng le mathateng a tjena.
Ba na le botshepehi. Botshepehi ba Tseleng ho isa lefung.
Ke sebaka se morung.
Moo morung ho na le moaho wa kgale.
BoTsietsi ba ne ba qeta ho fihla moo morung ba balehile mapolesa motseng.
Athe Mohanuwa le batho ba hae ba ba setse morao mme a re boTsietsi ba inehele.
Eo taba Tsietsi a e latola yaba ntwa e a qhoma mme Tseleng a bolawa.
Mapolesa a motseng a batlang boTsietsi, empa ha a ka a utlwa ho bohla (modumo wa sethunya se seholo) hoo ha dithunya.
Ho thwe dithunya tsa hlatsa malakabe lefifing leo, ya nna ya ba lai! lai! thu! lai!
Feela le ha ho le jwalo, mapolesa a se bone letho.
Fifing leo koloi ya boMohanuwa ya tuka.
Ngwana ya patilweng moferong o thola tu, o tsoha ha mebohlohadi ena ya dithunya e kgutsa.
Fifing leo la bosiu, Tsietsi o kgona ho tjheka lebitla ka hora tse pedi.
Tse pedi feela.
Malome Theko o ne a na le pelo e mpe.
O ne a sa kgathalle bophelo bo botle ba motjhana wa hae Diepollo.
Seo a neng a se habile feela ke hore Diepollo a nyalwe hore yena a tle a fumane dikgomo tsa bohadi tseo ntata Diepollo a ileng a hloleha ho di lefa ha a ne a nyala mmae. Ka hoo o ne a dumelletse monnamoholo Mothofeela ho shobedisa Diepollo.
Pelo ya hae e ne e le thata hobane o hanne le ha mosadi a re o mo elelliswa hore Diepollo o sa le monyane hore a ka nyalwa empa o ile a tswela pele ka morero wa hae wa ho mo nyadisa.
O ne a na le pelo e ntle.
O ile a amohela Diepollo ka moya o motle lapeng la hae leha a ne a sa mo tsebe hore ke ngwana wa mang.
O ile a mo eletsa ka maele a matle a bophelo a ba a mo eletsa ho ya batlisisa ka ditaba tse amanang le batswadi ba hae kgatisong ya dikoranta Mazenod.
A fa Diepollo tse ding tsa dibuka tsa hae tseo a neng a di sebedisa ha a ne a ithutela booki mme ka baka leo, Diepollo o ile a kgona ho boloka tjhelete eo a neng a lokela ho reka dibuka ka yona.
O ile a dumella Diepollo ho dula ha hae nakong eo a neng a ntse a kena sekolo mme ha ho mohla a neng a mo fella pelo.
Ke motho ya nang le botho bo botle le kutlwelobohloko.
O ile a amohela Diepollo lapeng la hae. O ne a sa dumellane le mohatsae tabeng ya hore Diepollo a se ke a iswa sekolong.
A mo etsetsa mokete wa ho mo tlosa kgutsana mme a ba a mo kenya sekolo.
Le mohla Diepollo a neng a fumana mangolo a hae a booki o ne a ile moketeng wa dikapeso tsa hae.
O ile a amohela ba bohadi ba Diepollo hantle mohla ba neng ba tlilo nyala mme o ile a ba a hlaba kgomo ya senona le tlhako mohla lenyalo la Diepollo le Zeblon Ramokgopa.
O ne a bua le Pontsho.
E ne e le ngwanabo monnae/molamo wa hae.
Se ne se sa thehwa hodima motheo wa nnete. Diepollo o tsebane le Dikenkeng nakong eo a neng a ilo lata lenane la bakudi bahatising ba dikoranta.v Ha a fihla moo o ile a fumana ho se ho le hobe yaba o hlaba Dikenkeng ka leihlo hore a se ke a bolela ho re ke yena motho ya tlisitseng lenane leo la bakudi moo. v Dikenkeng le yena o ile a be a se a utswa dipampiri tseo bahatising mme a di kgutlisetsa ho Diepollo. Ntle le moo Dikenkeng o ne a anya Diepollo leleme malebana le ditaba tsa Zeblon Ramokgopa ya neng a ntse a batlwa ke mapolesa.
Ke ba Zeblon Ramokgopa le kgaitsedi ya hae Pontsho.v Lebaka ke hobane mohlankana wa Dikenkeng e ne e le mpimpi ya maponesa mme o ne a fofonela ditaba tsa Zeblon le kgaitsedi ya hae hore ba tle ba tshwarwe.
Lekgowa le bitswang Kotsuopo le ile la bolauwa v mme maponesa a belaella mokgatlo wa boZeblon wa dipolotiki hore ke wona o mmolaileng.
Ba ile ba fumana maponesa a entse thibella ya makoloi mme mapolesa a ile a ba emisav. Zeblon o ne a tlakasela, a tshohile. O ile a itahlela ka ntle ho koloi mme a kena morung. Mapolesa a ile a mo lelekisa empa a a nyamella. Diepollo le Selatole bona ba tswela pele ka leeto la bona.
O ile a re konteraka ya hae e ne e se e fedile.
Ho ne ho sa lokela v. Diepollo o ne a sebetsa mosebetsi wa hae hantle empa ka baka la hore monna wa hae e ne e le Lekomonisi, baokamedi ba tliliniking moo ba ile ba mo tebela.
Diepollo o totobatswa e le motho wa semelo se phethahetseng.v O ne a tseba hore mona lefatsheng kgalapa di a buseletsana, kahoo o ne a batla ho thusa Mmamolete ka dintle tseo a mo etseditseng tsona. O ile a itela pele hore a fe Mmamolete phiyo e nngwe ya hae empa ha fumaneha hore yena le Mmamolete ha ba tsamaelane. A nka leeto la ho ya Lesotho a ilo batla ba habo Mmamolete empa a se ke a ba fumana. Qetellong o ile a bona lenane la batho ba neng ba emetse ho fumantshwa ditho tsa mmele. Ha a le lekola a fumana lebitso la Mmamolete le le tlasetlase. O ile a nka lenane leo mme a ngola lebitso la Mmamolete ka hodimodimo yaba o isa lenane leo ho bahatisi ba ka toropong hore ba tle ba le tlanye botjha. Lenane leo le ile la lokiswa ho ya ka moo Diepollo a neng a le radile kateng mme Mmamolete a fumana phiyo eo a neng a e emetse. O ile a thuseha ka tsela e jwalo.
E ne e le motho ya lokileng/wa kgotso.
O ne a sa rate ho kgopisa batho ba bang mme ke ka hoo a ileng a boloka sephiri sa hore Thollo Mofokeng ke monna wa hae hang feela ha a elellwa hore Thollo le Mmateboho ba phela ka kgotso lapeng la bona.
O ile a thusa batho ba bangata motseng oo wa boMmateboho ntle le tefo.
Mmisi Lekena e ne e le motho ya lokileng/wa kgotso.
O ne a sa rate ha motho e mong a utlwiswa bohloko. Sena o se bontshitse nakong eo boThabisile ba neng ba tloka Dikeledi le ho mo ja ditsheho. O ile a ba kgalema ka matla a maholo.
O ne a rata ho bona bana ba atleha mme ke ka hona a neng a eletsa Dikeledi hore a ke a ithute pele a tatela lenyalo.
O ne a hloka botshepehi le nnete.
O ile a siya mosadi wa hae le mora Matatiele mme a fihla a nyala moo a neng a sebetsa teng. A lebala ho tu ka mosadi le mora!
O ne a ile a roma metswalle ya hae ho ya mo kopela mohope wa metsi mme a ba bolelletse hore ba ipolele hore ke Bafokeng ba tswang Matatiele.
O ne a sa rate ho utlwa letho ha mosadi a ntse a mo phetela ka mosadi ya bitswang Mme hoo qetellong Mme a ileng a ba a hlokahala a so kopane le yena. Seo a neng a sa se tsebe ke hore Mme eo e ne e le mosadi wa hae eo a mo siileng Matatiele.
O ile a hloleha ho kgalemela ba habo ha ba ne ba kentse mosadi wa hae nyewe eo ho yona ba neng ba mo qosetsa ho tshwarela lefu la Mme lapeng la ngwana wa bona.
Ha a bolella Dikeledi hore o tlo mo nyala.
Ha a fereha Dikeledi.
Ke Thollo Mofokeng le Dikeledi.
Dikeledi o ne a nahana hore batho ba tlileng ho tla kopa mohope wa metsi, ke ba habo Tsekiso motjhesi wa hae wa sekolong. O ne a sa tsebe hore ke ba habo monna ya dulang komponeng eo a kileng a mo thonthodisa sepatjhe sa hae/ntate e mong ya tlwetseng ho tjhakela ha Rakgadi wa hae.
Dikeledi o ile a baleha lapeng hara bosiu a sa tsebe le moo a yang. A hlahlathela hara thota. O ile a kopana le mosadi ya neng a na le lentswe le batang mme le ha a mo tshwara ka letsoho, letsoho la hae le ne le bata po! Motho enwa o ile a mo memela ha hae mme a mo tsholela le ho mo fa marobalo phaposing e ntle haholo./O kopane le sethotsela/sepoko.
Hoseng ha a phaphama o ile a iphumana a robetse hodima lebitla leo a sa le tsebeng mme a potapotilwe ke mabitla a mang. A fumana hore dijo tse hlabosang tseo a neng a di ja maobane bosiu e ne e le polokwe tsa bolokwe.
Mosadi enwa (mmaTeboho) o totobatswa e le motho ya nang le mohau le kutlwelobohloko. O ile a utlwela Mme bohloko nakong eo a neng a tlilo kopa tjako ha hae mme a qetella o mo kopetse bodulo ha kgaitsedi ya hae. O ile a ba a etsa setswalle le mosadi enwa wa motwaitwai eo a neng a sa tsebe le hore ba habo ke bomang.
Ke dumellana le ona. Ha Mme a fihla lapeng la Mmateboho le Thollo, o ile a elellwa kamoo ba phedisanang hantle ka teng. O ne a tlohile Matatilele a re o tlilo batla monna wa hae empa eitse ha a elellwa kgotso eo banyalani bana ba phelang ka yona a itlama ho boloka sephiri sa hore Thollo ke monna wa hae. Thollo o ne a ile a siya mosadi le ngwana lapeng Matatiele ha a ne a tlilo sebetsa dikomponeng. Mohatsa Lesole o ile a dula ka senepe sa Mme, o ile a se pata mme ha a ka a se bontsha mohatsa Thollo le ha Mme a se a iketse boyabatho.
Ke ne ke tla mo pata. Mme o ne a thusitse batho ba bangata motseng moo mme o ne a lokela ho ka bolokwa ka mokgwa o imametseng.
Ke ne ke sa tlo mo pata: Mme o fihlile motseng wa boMmateboho a sa mengwa ebile a sa tsejwe le moo a tswang teng. O ne a sa bua le ka ba lelapa la hae kahoo ke ne ke tla kopa ho batliswa ba habo hore e tle e be bona ba tlang ho mo pata.
E o ne a nepile: O ne a tseba ka moo Dikeledi a neng a le bohlale ka teng dithutong tsa hae mme a sa batle ho re a tle a tlohele sekolo. O ne a bile a ngongorehiswa ke hore bokamoso ba Dikeledi bo tlo senyeha. O ne a hoopla hore Dikeledi o sa le monyane haholo ho ka nyalwa.
O ne a sa nepa: Ke tokelo ya Dikeledi ya ho dumela ho nyalwa ke motho eo a batlang ho nyalwa ke yena. Mmisi Lekena o ne a batla ho hatella ditokelo tsa Dikeledi.
O ne a batla ho se fetwe ke monyetla ona o tlang hanngwe feela bophelong. A bile a rata ho swetsa banana ba neng ba mo tsheha sekolong. Motswalle wa hae o ne a mo susumelletsa lenyalong leo.
Ke taba ya hore bophelo ba Dikeledi le Thollo bo ne bo se boima hakaalo. Le ha bothata ba tjhelete bo ye bo be teng, e ne e se ba bofutsana. Ditoro tsane tse mpe tseo Dikeledi a neng a na le tsona pele a nyalwa e ne e ntse e le ho kgelekgetheha ha maikutlo a hae feela.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka ditemana (paragraphs) le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le sebopeho le puo. Motshwayi a ele hloko ho re kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Ho elwe hloko hore rubriki e latelang e sebediswa hohle moo mohlahlobuwa a arabileng mofuta wa dipotso tse telele (tsa moqoqo) ha ho arajwa dingolwa tsa mofuta wa padi (nobele) le mofuta wa tshwantshiso (terama) ho Karolo tsa B le ho ya C.
Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), kutlwahalo le tiisetso ya taba ka mabaka.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo.
Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka di-ntlha tsa mefuta e fapa-neng ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebileng ya sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o nehelana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme o di tiisa ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa ku-tlwisiso e kgabane ya sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefutho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e batlang e le e ka hodimo ho e maha-reng; e paka kutlwisiso ya sengolwa.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela e kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utullutsweng ka botlalo.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Dintlha boholo di tsheheditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo; ho bonahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Sehlooho se okolwa feela tlhalosong; dintlha tse hlahiswang di supa boiteko bo fokolang ha a araba potso.
Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang haholo karabelong ya hae ya potso. Dintlha tsa hae ha di kgodise, ha di tshehetswe ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e bontsha a se na kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sa mofuta ona mmoho le ya sengolwa sena.
Tshekatsheko ke e fokolang; ho bile ho na le phetapheto ya dintlha tse ding. Dintlha tse ding di tswile lekoteng.
Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na le ditlhaloso tse fosahetseng.
Ho bonahala boitekonyana bo itseng ba ho araba potso, empa ho thata ho hlalohanya ditaba tsa hae.
Ho etswa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tsa hae boholo ha di na kamano le sengolwa se botsitsweng.
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehela-no e nang le neeletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho.
Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng.
Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa sengolweng se botsi-tsweng.
Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha; dintlha tsa hae di a dumellana. Mo-mahano e hlahella selelekeleng, qetelong le ditemaneng tse itseng.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa sengolweng se botsitsweng.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore sebopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobetseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae.
Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tatellano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahetseng.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosa-hetseng.
Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme ditaba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho.
Ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho diratswana kapa kgokahano.
Tshekatsheko ya hae ya potso e bontsha bofokodi bo boholo; dintlha tsa hae ha di bontshe kutlwisiso ya sengolwa. Dintlha tsa hae di tswile lekoteng.
Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshekong ya hae. Karabo ya hae ha o ke ke wa e utlwisisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehisa tlhahisong ya moelelo o napahetseng.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo di hlahella nehelanong di sebe-disitswe ka tsela e nepahetseng.
Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
Diphoso tsa puo di bonahala ka bongata. Tshebediso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Kotopi o batla ho ya kopa dikeletso tsa kamoo a ka fumanang leruo kateng ho ngaka Makau v. O batla ho ya ho Makau hobane a ile a mmona ditorong tsa hae. v Sebuweng mohatsae, o kgahlanong le mohopolo ona hobane o re Makau o tumme ka diretlo mme kgohlano e tlola hona mona.
Kotopi o sataladitse molala tabeng ya ho bonana le Makau.
Se bakang mathata le ho feta, ke ho re Kotopi o batla ho kopanela le Makau moo ha hae.
Sebuweng o eme thabeng hore moo ha hae Makau a ke ke a le beha.
Ho fihla ha Rampou a tlilo batla Kotopi, ho hlantsha Sebuweng le ho feta.
Qeto ya Kotopi ya ho ya bona Rampou hara bosiu, e ba jwalo ka letswai leqebeng le hlenneng.
Mephofo ya Kotopi a lora Moletsane le yona e butswela qabang ya bona.
Rampou ka sekgukgu hore a mo thuse ho fumana phofu ya morero wa hae le Makau.
Ho se mamele hoo ha Kotopi, ho etsa hore a iphumane a se a retlile Moletsane ka thuso ya Rampou.
Ba qabantswe ke ho fihla ha Lesodi hae bosiu.
Mohla Maleshwane a neng a mo tsebisa hore Lesodi o batla ho nyala, o ile a utlwa dikeletso tsa hae.
maloma Lesodi e ne e le motho wa maikutlo a phodileng ya tsebang ho sebetsa ditaba hantle.
Pela e ne e le motho ya bohale haholo mme ebile e ne e se motho ya nkang ditaba tsa mora le mohatsae.
Bo senola ho kgathatseha ha hae moyeng.
Bo senola semelo sa ntatae.
E le nngwe feela.
Ya nang le nnete. v Ha a ka a rata ho patela Lesodi hore lesea leo a le immeng ha se la hae.
Ha a tshepahale, hoba o utlwana le Lesodi a ntse a tseba hore o imme ngwana eo e seng ya Lesodi.
E, a dumellana le tsona. v Maleshwane o ile a thusa mora ka hore a phunye ditaba ho ntatae eo mora a neng a mo tshaba lebekebeke.
Mohlankana ha a utlwana le kgarebe, ha ba kopanele mahlong a batho ba baholo.
Ha mohlankana a se a entse qeto ya ho nyala, o tsebisa batswadi ebe taba ya e rerwa hantle.
Batswadi ba mohlanka ba ya ha bo kgarebe ho ya mo kopela mosadi.
Tse pedi feela.
Ka nako e nngwe ho tatela ho etsa dintho (ho etsa diqeto) ho etsisa motho diphoso.vv Lesodi o ile a tatela ho nyala Kgasiane e se kgale ba ratana. Athe o nyala Kgasiane jwalo a se a imme ngwana eo e seng wa hae.
Molefi ke sebapadi sa sehlooho tshwantshisong ena. O holetse sebakeng sa mahaeng sa Mafotholeng, mme ke motho wa nama le madi. Tikoloho ena eo a holetseng ho yona e na le tshusumetso e kgolo bothong ba hae.
Molefi ke ngwana wa Mosotho ya hodisitsweng hantle; o tsotella batho ba bang mme ebile o hlompha bohle; o hlahela a bua ka tlhompho le ba bang hohle moo a buang le bona teng le haeba ho le hobe jwang; le ha a na le mathata le dikgarebe tsa hae ha a itlhompholle ka ho phetela baholo ba hae makatikati a diqabang tsa bona - o a hlompha. Molefi o rutehile ebile ke lejakane le dumelang haholo Sekereseteng; ha a natse setso sa habo ke hona. Molefi - ho ya ka diketso le dipuo tse hae - ke motho ya bohlale, ha se feela a behilweng boetapeleng mosebetsing. Ka lebaka la semelo sena sa hae, o a hlompshwa ke dibapadi tse ding. Bohlale ba hae bo totobala moo ho nang le diqabang teng; o dula a ikokobeditse mme a rarolle ditaba ka maikutlo a phodileng. Ho feta mona Molefi o na le lerato la boena ho bohle ba mo potapotileng, haholo bao a sebetsang mmoho le bona, ho kenyeleditswe le ba kang Takadimane, esita le baahisani ba kang Mapetla.
Le ha Molefi e le motho e motle tjena ke motho wa nama le madi; o na le mefokolo ya hae. Bofokodi ba Molefi ba pele ke bo tliswang ke lerato lena la hae la boena; o foufala hoo a sa boneng le dira tsa hae; ha a elellwe hore ntatemoholo Mapetla ha a mo rate; o foufetse hoo a sitwang ho bona hore e meng ya metswalle ya hae - Ngatane le Ramafothole - e mo kwetletse lerumo ka kobong. Metswalle ena ya hae e mo eka ka nako tsohle empa o sitwa ho bona, esita le ha a eletswa (ke ba kang Mofammere). Bofokodi ba hae bo bong bo bakwa ke thuto le bojakane; ka lebaka la ho ruteha o lahla kgarebe ya hae - Montsheng -hobane a re ha a ruteha. Se swabisang ke hore Molefi ha a bone, le hoja a rutehile hakaalo. Thuto ena ya hae e mo susumetsa ho 'iketa' feela ho dikgarebe tse rutehileng le hoja tsona di se na mekgwa. Tumelo ya bojakane e boetse e a mo foufatsa; o manganga, ha a eletsehe ha a eletswa ho bona ngaka ya setso mabapi le mathata a mo apareng. Mathata a hae ha a ye ka theko empa a mpefala le ho feta.
Pheletsong Molefi o qetella a se na letho; ha a sa koloi, ha a sa na mosadi; ha a na bophelo - o kula hoo puo e hanang ho tswa. Kajeno Molefi o maemong ana ka lebaka la semelo sena sa hae. Mmadi a ka akanya hore le mosebetsi o tla mo lahlehela kgabareng.
Kgohlano e hlahellang tshwantshiso ena e thehilwe hodima tumelo ya sekereste kgahlanong le ya setso. /Lefufa la Mapetla /la thuto ya Molefi ka baka la katleho ya Molefi/Katleho ya lelapa la Pitso/labo Molefi.
Mapetla o hlahella a paleng ya tshwantshiso ena e le sebapadi se lwantshanang kapa se kgahlanong le moetapele, e leng Molefi.
Disebo ke sebapadi se phelang metseng ya mahae. Batho ba phelang sebakeng sena e sa le batho, mme ditlwaelo le tsela ya bona ya ho phela e bontsha tlhomphano, ho tsotella le ho phedisana ka kgotso le batho ba bang. Disebo o hlompha le ho tsotella batho bohle; batswadi ba hae, ngwanabo Molefi, le ha a le monyenyane ho yena, metswalle ya Molefi esita le yena ntatemoholo Mapetla.
Disebo o rata dintho tse ntle le tse amohelang setjhabeng sa tikoloho ena ya habo; o rata ha Molefi a ka nyala Montsheng hobane Montsheng o tadingwa e le karolo ya tikoloho ena; o holetse sebakeng sena, o a hlompha, o a rateha. Ke ngwanana wa Mosotho e motle ya amohelehang (Takadimane o mo tshwantshisa le taemane kapa kgauta) ho bohle. Ha Molefi a nyahlatsa morero wa ho nyala Montsheng, Disebo o lwana ya kgumamela; o bontsha Molefi kamoo ketso ena ya hae e tlang ho tlotlolla le ho tlosa seriti sa lelapa labo kateng (tlhompho) esita le kamoo ketso ena (ya Molefi) e tlang ho heletsa sekgotsi (kgotso) se neng se se se qadile dipakeng tsa lelapa labo Montsheng le labo. Ho a bonahala ha ho le jwalo hore botho (semelo) bona ba Disebo bo roteditse kgohlano e neng e se e ntse e kunkela ho Molefi. Re bona kgohlano ena e tshwara lelakabe hamorao ha Disebo a bolella Molefi hore Montsheng o se a nyetswe ke titjhere mme ba iphelela ka kgotso.
Morongwe ke sebapadi se phelang tikolohong ya Roma Ha Mafefowane; ke sebaka sa tswelopele ka lebaka la dikolo tse ngata tse fumanwang ho sona. Morongwe ke sebapadi se rutehileng (ke mooki) mme o hlalefile jwalo ka batho ba bangata ba tikoloho ena. Morongwe ha a tsotelle letho ebile ha a na tlhompho; o mathaithai, o leshano ebile ha a qeaqee ho etsa tse mpe; o iketa ho Molefi (nakong eo Molefi e leng mokudi wa hae), mme ebile o imema ho etela Molefi. Ho se neng Morongwe o etseletsa Molefi ka ho re o mo robile lengole. Molefi o se a ipona molato, mme o se a etsa ditokisetso tsa ho mo nyala le ha a ntse a ngongorehile hore Morongwe o ne a ikete ho yena. Morongwe o hloka boitlhompho; ke letekatse (letjhutjhuta) le etsang masetladibete (bohlola)mme ebile o a tahwa. Ha a na tlhompho ho ba bang esita le ho ba bohadi ba hae. Morongwe o qabana le Disebo ka la botho ba hae bo bakwang ke tikoloho o qetella a tshwarane le Disebo ka matsoho.
Dikamano tsa Morongwe le Molefi ha di fokotse kgohlano e hlokisang Molefi phomolo, empa di e ntshetsa pele. Ho boetse ho a bonahala ha ho le jwalo hore botho (semelo) bona ba Morongwe bo rotetsa le ho ntshetsa pele kgohlano paleng ena. Molefi o a tshwenyeha ha a bona Morongwe a sa hlomphe batswadi ba hae - a ba tshufutshufula ka mantswe ha a bua le bona. Athe Molefi ha a mmone ka letho. Ho a nyolesetsa ka lehlakoreng la Molefi; o kena morerong wa ho kgutlisetsa Morongwe ha habo ka mora hore Morongwe a etse diketso tse mmalwa tsa bohlola. Ho a bonahala ha ho le jwalo hore botho (semelo) bona ba Morongwe bo fela bo rotetsa kgohlano paleng ena.
Jwalane e ne e le kgarebe ya Molefi.
Ba kopane ho tla buisana ka taba ya Molefi ya ho hlala Jwalane.
Molefi o ne a kopane le Morongwe sepetlele moo Morongwe e neng e le mooki teng. v Molefi o ne a robetse moo tlong ya kokelo kamora hore a tswe dikotsi kotsing ya koloi hona moo Maseru.
<fn>Sesotho HL P3 Feb-March 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 16.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae. Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Moqoqong wa boimamelo mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae.
Moqoqo ona o tla nka lehlakore.
Mehopolo/menahano/maikutlo a hlahiswang a lokela ho pepesa nnete mme a bontshe ho ba le seabo ha mongodi.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa anehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa wona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha mohlahlobuwa a ntse a ngola moqoqo.
Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso.
Diaterese tse pedi - ya mongodi le ya khampani.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Sehlooho sa ditaba se lokela ho hohela babadi.
Selelekela sa mongodi se hlahise ntlhakemo ya hae.
Puo e be e hlakileng.
Ditaba di lokela ho tsamaellana le sehlooho.
Puisano e lokela ho ikgetha ka matshwao a yona.
Puisano e lokela ho toba taba.
Ditaba e be tse amanang le sehlooho.
Polelo ka nngwe e lokela ho arabela seo ho buisanwang ka sona.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Sehlooho e be se hohelang.
Papatso e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Puo e be e hohelang, e susumeletsang mmadi ho reka se bapatswang.
Mohlahlobuwa a sebedise kapa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Papatso e tobane le batho bao e lebisitsweng ho bona.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola pampitshana e nang le tlhahisoleseding e tla hohela mmadi.
Sepheo sa pampitshana eo e be se hlakileng.
Se bontshe ditshebeletso, sebaka moo ditshebeletso di fumanehang teng.
Ke tema e hlahisang dintlha tse hlakileng tseo mongodi hlahisang ditaelo, mme.
Ditaelo di lokela ho hlaka mme di ngolwe ka tatellano.
Ditaelo di lokela ho tloha boemelong ba makoloi a setjhaba ho kena motseng o motjha.
Di tototbatse matshwao a tsela, mabitso a diterata, le mabitso a meaho.
<fn>Sesotho HL P3 Feb-March 2009.txt</fn>
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
mantswe a 100 - 120.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
O lemoswa hore dintlha tse pedi tse ka hodimo di abetswe matshwao. O tla lahlehelwa ke matshwao ha o ke ke wa di phethahatsa.
A mang a Maafrikaborwa a bonahala a halefisitswe ke tshubuhlellano ya baphaphathehi ba hlahang dinaheng tse ding tsa Afrika. Ka baka la tshabo le lehloyo (Xenophobia) a qetelletse a phaphathehisitse bajaki bana hape ka sehloho ka ho ba tjhesetsa matlo le dikgwebo tsa bona esita le ho bolaya ba bang ba bona. Ke eng se bakang tshabo le lehloyo le lekanakana ho a mang a Maafrikaborwa Ngola moqoqo moo o hlalosang sesosa sa tshabo le lehloyo lena le lekanakana ho a mang a Maafrikaborwa. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Tshabo le lehloyo ho baahi ba naha disele?
Motseng wa heno ho na le batjha ba ikentseng kgokanyanaphiri ho thusa maqheku le maqhekwana ka dintho tse ngata tse fapaneng. Le wena o e mong wa batjha bao. Selemong se fetileng, ka kgwedi ya Tshitwe le ne le ba etseditse mokete wa teboho moo le neng le ba leboha ka seabo seo ba bileng le sona setjhabeng. Ngola moqoqo oo o re phetelang ka diketsahalo tsa tsatsi leo. Sehlooho sa moqoqo e be: Wa tla wa ba motle mokete oo!
Molao o motjha wa ditokelo tsa bana o dumella bana ho tloha dilemong tse leshome le metso e mmedi ho etsa qeto ya ho ntsha mpa ntle le tsebo le tumello ya batswadi. Sena se tsositse maikutlo a fapaneng hara setjhaba sa Afrika Borwa. Ba bang ba dumela hore o tlisa tharollo athe ba bang ba re o eketsa mathata a seng a ntse a le teng setjhabeng. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Na bana ba dilemo tsa ho tloha ho tse 12 ba lokela ho dumellwa ho ntsha mpa?
Motho ke sebopuwa se seng se makatsang ka mehla. Ka nako e nngwe motho o nahana hore mohlomong ho ka be ho le molemo hoja sefuba sa hae se ne se bonaletsa. Ka bomadimabe ha ho jwalo, ke kweetsa ya sebele. Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Kwala buka o ithute motho.
Dipatlisiso tse entsweng di bontshitse hore boholo ba batjha ba rona Afrika Borwa ha bo fumane mesebetsi ha bo qeta dikolong tse phahameng ekasitana le diyunivesithing. Sena e ba qaka e kgolo setjhabeng ka kakaretso. O bona qaka ee e ka rarollwa ka tsela efe Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Bothata bo tliswang ke tlhokeho ya mesebetsi batjheng le tharollo ya bona?
Matsatsing a kajeno ho bonahala Maafrikaborwa a se a kgahlilwe ke ka moo ditjhaba tse ding di nyalang ka teng. Maafrikaborwa a mang ha a sa tshehetsa ho ntsha bohadi ha a nyala. Ka Sesotho lenyalo le qala ka ho thethesa bohadi ho tloha qalong ho isa qetellong ya lona. Ngola moqoqo oo ho wona o nehelanang ka dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang le sehlooho sena: Ho ntsha bohadi.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema ya hao e be mantswe a 180 - 200.
O pasitse Kereiti ya 12 ngwahola, mme o lokela ho ntshetsa dithuto tsa hao pele ho e nngwe ya diyunivesithi tsa Afrika Borwa. O pasitse dithuto tsa hao ka mokgwa o babatsehang empa bothata ke ho re batswadi ba hao ha ba kgone ho o isa yunivesithing. Mong o o eleditse ho re khampani ya Telkom e nehelana ka dibasari ho baithuti ba fetileng dithuto tsa bona tsa Kereite ya 12 ka tsela e kgabane. Ngolla khampani eo lengolo o kope basari ya ho ntshetsa dithuto tsa hao pele.
Taba melomong ya batho bohle kajeno ke ho ketekwa ha dilemo tse mashome a robong tsa tswalo ya moporesidente wa mehleng, Ngaka Rolihlahla Nelson Mandela. Jwalo ka mohlophisi wa koranta ya 'Ha taba tsa Batho', ngola tema ya ditlhophiso (editorial) eo ho yona o buang ka bokgabane le bonatla ba qhooku ena ya Afrika le lefatshe ka bophara.
Mamello le Tahleho ke bana ba ntse ba buisana ka ditaba tsa radio tse ba makaditseng. Ditaba tseo ke tse reng: 'Baithuti ba dikolo tse phahameng ha ba na thahasello puong ya Sesotho'. E be see se bakwa ke eng E be tharollo e ka ba efe Ngola puisano moo Mamello le Tahleho ba qoqang ka pharela ena?
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele e be mantswe a 100 - 120.
O morekisi wa diselefouno khampaning ya heno. Khampaning eo ho fihlile setlabotjha sa mohala o kgemang le tswelopele ya moraorao tjena. Etsa papatso eo ka yona o bapatsang setlabolane sena sa mohala.
O na le khampani. Mosebetsi wa yona ke ho etsa diphatlalatso le dipapatso. Ngaka ya popota e sa tswa fihla motseng wa heno, e tlile ho wena mme ya o kopa hore o phatlalatse le ho tsebahatsa ditshebeletso tseo e fanang ka tsona. Ngola pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) moo o hlabang setjhaba malotsana ka ditshebeletso tsa ngaka ena.
O se o tlohile sekolong seo o neng o kena ho sona, mme o ile ho se seng motseng o motjha. Motswalle wa hao o a o etela mme o tla ka dipalangwang tsa setjhaba. Mo ngolle o mo fe ditaelo tse hlakileng hantle tsa ho re sekolo seo sa hao se hokae. Ditaelo tsa hao di be le dintlha tse totobetseng tse mo supisang tsela, tse kang matshwao a tsela, mabitso a diterata le mabitso a meaho.
<fn>Sesotho HL P3 Feb-March 2010 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 14.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwa-rellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekase-kwa ka botlalo le ka ho phethahala.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang.
Bopaki ke bo hlakileng ba hore moralo ke lebisang tlhahisong ya moqoqo o babatseha-ng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka bokga-bane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwa-rellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotso-fatsang.
Mohlahlobuwa o bontsha kutlwisiso ya boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boi-qapelo ka tsela e kgotso-fatsang.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e amohelehileng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgo-disang hanyenyane fee-la, mme ha se ka nako tsohle di hlahiswang ka nepo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mofuta wa tema e lokelang ho hlahiswa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata bo boholo.
Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng kapa ha a se utlwisiswe.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Bopaki ke bo haellang haholo ba hore moralo o ka lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e lokela-ng ho hlahiswa di haella haholo.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Ha ho diphoso mope-letong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethe-lwa ka tsela e kgahlisang.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebedi-so e ntle haholo ya matshwao a puo.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e kgabane e bopilweng le ho phethe-lwa ka tsela e kgahlisa-ng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebe-diso e ntle ya matshwao a puo.
Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore tema yo-hle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola di-phoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le se-phetho di loketse maike-misetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgo-ni bo kgotsofatsang.
Bopaki ke bo kgotso-fatsang ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse mai-kemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethe-tsweng mme e kgotso-fatsang.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Bopaki bo seng bokae ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejise-tara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohe-di ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Bopaki bo a fokola ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e haellang haholo.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebe-diso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Ha ho bopaki kapa ke bo haellang haholo ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo. Ho boima ho e utlwisisa.
Nehelano e fokolang haholo.
SEBOPEHO: Popeho ya diratswana; selelekela, qetelo le bolelele bo hlokehang/ loketseng.
Selelekela le qetelo tse babatsehang haholo tse dumellanang le mo-sebetsi.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Kelohloko e seng kae di-ratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e foko-lang haholo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlha kemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa ona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Tharollo ya bothata bona.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwhalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo ya hae (hodima yona ntlha eo).
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e baba-tsehang.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore mora-lo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phetha-hetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ha-holo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hla-kileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho- polo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahi-song ya tema e bopilweng ka tsela e amohe-lehileng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e foko-lang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phetha-hetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho loki-sa diphoso.
Nehelano e babatse-hang.
Tshebediso e ntle ha-holo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefu-tafuta e batsi le dibope-ho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e leko-tswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se setle haholo.
Nehelano e ntle ha-holo.
Tshebediso e ntle ya tlo-tlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibo-peho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di se-bedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka di-phoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se setle.
Nehelano e ntle.
Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bo-ntshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo se-bedisitswe ka tsela e kgo-tsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Tema e ntse e na le dipho-so tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le se-taele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Tema e ntse e na le di-phoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Nehelano e kgotso-fatsang.
Tshebediso e ha-ellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo ha-ellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Diphoso tsa mope-leto di ngata; ma-tshwao a puo a sebe-diswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Sehlahiswa se phe-thetsweng se baleha ha boima.
Nehelano e hae-llang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se baleha ha boima.
Nehelano e fokolang.
Aterese e le nngwe ya mongodi.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Mohlahlobuwa a sebedise sehalo sa setswalle.
Sebui se lelekele ditaba ka ho fumantshwa monyetla wa ho tla tshetleha puo.
Puo e sebediswang e lokela ho hlweka mme e be e nepahetseng.
Sebui se bue ka ditaba tseo se lokelang ho bua ka tsona.
Ena ke tlhahisoleseding e sebedisetswang ho hlalosa tsa bophelo ba mofu.
Lebitso le letsatsi la tswalo la mofu di lokela hore di totobatswe.
Batswadi ba hae le bona ba lokela ho hlakiswa.
Tsa thuto le mosebetsi di lokela ho qaqa.
Tsa lenyalo le tsona di hlakiswe.
Mokwallo (ho sadiswa hantle ka dithoko tsa seboko sa mofu).
Tletlebo e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Puo ho sebediswa e nepahetseng.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e baba-tsehang.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore mora-lo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phetha-hetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Popeho ya tema ke babatsehang.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ha-holo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Popeho ya tema ke kgabane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hla-kileng boholo ba nako.
Popeho ya tema ke e ntle.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodi-sang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho- polo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahi-song ya tema e bopilweng ka tsela e amohe-lehileng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Popeho ya tema ke e mahareng feela.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Popeho ya tema ke e haellang.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e foko-lang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phetha-hetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwa-rellang mme tse bopi-lweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, ma-ikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang.
Tshebediso e ntle ha-holo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodi-sang haholo, tse tshware-llang mme tse bopi-lweng ka boiqapelo.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, ma-ikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Tshebediso e ntle ya tlo-tlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibo-peho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di se-bedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshware-llang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Tshebediso e kgotsofatsa-ng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo sebe-disitswe ka tsela e kgotso-fatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgo-disang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgo-kahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibo-peho tsa dipolelo tse tlwa-elehileng.
Rejisetara, sehalo le se-taele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amo-helehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Tshebediso e ha-ella ng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haella-ng, o sebedisa dipo-lelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya ma-ntswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, se-halo le setaele tse loke-tseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola phousetara ka ditaba tsa pitso.
Phousetara e lokela ho ba le sehlooho se tla hohela ba tla tla pitsong.
Dipolelo di lokelwa ho ngola ka tsela ya dintlha.
Puo e tla sebediswa e lokela ho kgothalletsa hore setjhaba se tle pitsong.
Ditshwantsho ha di hlokahale mofuteng ona wa phousetatra.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola pampitshana e nang le tlhahisoleseding e tla hohela mmadi.
Sepheo sa pampitshana eo e be se hlakileng.
Se bontshe sehlahiswa, sebaka moo ditshebeletso di fumanehang teng.
mohlahlobuwa a ingole e le yena kapa e le motho e mong.
diketsahalo e be tsa matsatsi a mahlan matsatsi ao diketsahalo di etsahetseng ka wona a lokela ho ngolwa pele ho diketsahalo diketsehalo di bontshe maikutlo, mehopolo, meralo, diqeto le kameho ya maikutlo a mohlahlobuwa puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng dipolelo di kgutshwane, mme di utlwahale.
<fn>Sesotho HL P3 Feb-March 2010.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 8.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO YA A, metsotso e 40 a araba KAROLO YA B le metsotso e 30 a araba KAROLO YA C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Hoseng hono le ne le sele le bile le sele le bohweng ba ntja. Moya ho ne ho foka o mosesane o neng o bonwa feela ka ho sisinyeha ho hosesane ha mahlaku a difate ka ntle. Letsatsi le tjhabile le monatjana, ho bonahala hore tsohle di tla tsamaya hantle, empa ka tshohanyetso, ha kena motho a kgelelletse dikgororo. Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Le kajeno ha ke eso lebale tsa letsatsi leo.
Bophelo ba kajeno bo re tlama maoto le matsoho ho nahanisa ka hloko qeto e nngwe le e nngwe eo re e etsang. Sena re lokela ho se etsa ho phema diphoso kapa mathata a yeng a hlahele hamorao. Ho ye ho etsahale hore motho a etse qeto e mpe kapa e fosahetseng ka nako e nngwe. O kile wa etsa qeto e fosahetseng ka nako e nngwe, mme ditholwana tsa qeto eo e bile tse bosula ruri. Le kajeno o sa ikwahlaya. Ngola moqoqo oo ka wona o hlalosang qeto e fosahetseng eo o kileng wa e etsa, mme o se lebale ho hlahisa ditholwana tsa qeto eo. Sehlooho sa moqoqo e be, Qeto e fosahetseng e na le ditholwana tsa yona le yona.
Tlwaelo e teng ditjhabeng tse ngata e supa hore hangata ha batjha ba tla qala taba ya ho ratana, mohlankana ke yena ya yeng a ipuelle ho morwetsana pele ho ka ba le ho kunkelang. Demokerasi e hlahisitse maikutlo a mang a matjha morao tjena; balwanedi ba tekatekano ya bong ba bolela hore morwetsana ha a rata mohlankana a hle a ikete a be a tswe molomo, etswe Sesotho se re 'ngwana ya sa lleng o shwela tharing'. Na o bona e le ntho e amohelehang hore morwetsana a ipuelle ho mohlankana Ngola moqoqo oo ho wona o nehelanang ka lehlakore la hao tabeng ena. Sehlooho sa hao sa moqoqo e be, Nna ke bona taba ena tjena..?
O bile sekolong sena nako e seng ka tlase ho dilemo tse tharo jwale. O tsebile batho ba bangata bao ba bang ba bona o ileng wa etsa setswalle se matla le bona. Hara metswalle ena yohle, ho na le motho a le mong eo o ileng wa aha setswalle sa mmakgonthe le yena. Enwa motho o ne o mo tshepa le ho mo rata e le ka nnete. E be ke eng se etsang hore a ikgethe hakaale hara metswalle yohle ya hao Ngola moqoqo oo ka wona o hlalosang semelo sa enwa motswalle wa hao. Sehlooho sa moqoqo ona wa hao e be: Enwa motswalle?
Kgalemo ya baithuti ka thupa dikolong tsa Afrika Borwa e ne e fediswe semolao ke mmuso. Bothata ke ho re a mang a matitjhere dikolong tse ding tse itseng a ntse a tswela pele ho sebedisa thupa. Hangata sena se hlahella ha batswadi kapa baithuti ba se ba ritetse dinyewe. Ho kgalema moithuti ka thupa ke tlolo ya molao, mme Lefapha la Thuto le tebela matitjhere a etsang tlolo e jwalo ya molao. Wena ha o tadima taba ena, o bona kgato ena e nkuwang ke Lefapha la Thuto e na le botle le bobe ba yona setjhabeng. Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang mahlakore ana ka bobedi. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ena kgato e a lokisa ebile e a senya.
Batjha ba Afrika Borwa ba tobane le bothata ba tshebediso e mpe ya dithethefatsi mmoho le nnotahi. Mmuso, setjhaba le mekgatlo eo e seng ya mmuso e eme ka maoto ho ruta le ho eletsa batjha hore ba se wele lerabeng lena. Le ha ho le jwalo batjha ba bangata ba wela lerabeng lena, mme ba bang ba bona ba qetella ba ile masihlwane. E be bothata boo bo ntseng bo ja setsi hakaale bo ka qojwa jwang Wena o na le leano leo o bonang hantle hore ha le ka sebediswa ka nepo le ka tshwanelo, qaka ena e ka rarolleha. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o qaqisang ka moo bothata bona bo ka phenngwang ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be: Tharollo ya bothata bona?
O ne o qetela dithuto tsa hao tsa ho qetela sekolong se phahameng selemong se fetileng. O ne o sebetsa ka thata mme o ikemiseditse ho feta dithuto tsa hao ka katleho. Empa ha ho a ka ha eba jwalo. Ho bile le kaekae moo dintho di sa kang tsa tsamaya ka theko. Ha o a ka wa atleha dithutong tse ding ke hona. Ha o thola o nahanisisa hantle o ipona o ile wa etsa diphoso tse itseng. Ha o rate ho ka etsa diphoso tse jwalo hape. Ke kae moo o ileng wa kgetshemela teng A ke o ngole moqoqo oo ka wona o qaqisang diketso tsa hao tseo o nahanang hore ke tsona tse bakileng hore o se atlehe dithutong tsa hao. Sehlooho sa moqoqo e be, Ke kgetshemetse ha ke ne ke..?
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ya bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola tema ya hao, boela o e bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Motswalle wa hao ya dulang naheng ya Lesotho o rerile ho o etela ha dikolo di kwalla phomolo tsa Mariha. Le ne le dumellane kgale ka taba ena, mme o se a itokiseditse ho tla. Ka bomadimabe o se o hlahetswe ke lebaka le sitisang kopano ena ya lona. O ke ke wa ba teng lapeng ka nako eo. Mo ngolle lengolo o mo hlalosetse maemo ana a ditaba a hlahileng morao tjena.
Mosuwehlooho wa sekolo sa heno o fumane mosebetsi o mong, mme o a tsamaya. Sekolo se rerile ho mo etsetsa mokete wa tumediso ka la 4 kgweding e tlang. Ho menngwe baeti ba bohlokwa ba kenyeletsang baemedi ba Lefapha la Thuto, dihlooho tsa dikolo tse mabapi, batswadi, matitjhere mmoho le baithuti ba sekolo sa heno. O kgethilwe ho emela baithuti ba sekolo sa heno, mme o lokela ho tshetlehela setjhaba sena puo letsatsing leo. Ngola puo eo o tla e tshetlehela baamohedi ba ditaba mohla letsatsi leo le leholo.
Haufi le moo o dulang ho hlokahetse motho. Ka ha matlo ho tjha a mabapi, lelapa leo le hloka thuso ka ditsela tse fapaneng. Ba leloko ba o kopile hore o ba ngolle tsa bophelo ba mofu. O se o fumantshitswe tlhahisoleseding yohle e hlokehang ke ba lelapa. Ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuari) enwa.
Karolo ya motse oo o ahileng ho yona e na le bothata ba metsi. Metsi a pula a phallella ka matlong ka mehla ha pula e na. Baahi ba dulang mona ba theile komiti e tla tadimana le bothata bona. O mongodi komiting ena. Komiti e o laetse ho ngolla majoro wa motse lengolo. Ngolla majoro wa motse lengolo mme o hlalose ka botlalo bothata bona, mme o be o sisinye ditlhahiso tse itseng mabapi le se ka etswang.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ya bolelele ba mantswe a 100 ho isa ho a 120.
Sekolo sa heno se hlophisitse tlhodisano ya mmabotle le rabotle ba selemo. Ditlhophiso tsa ketsahalo ena di se di hlile di hlwele mekwalaba. O ne o kgethwe ho ba setho komiting e etsang ditlhophiso tsa tlhodisano ena, mme komiti e o laetse ho rala phousetara e tla sebediswa ho phatlalatsa tlhodisano ena e rerilweng setjhabeng. Ngola phousetara e tla manehwa mapatlelong a sekolo le motse ho tsebisahatsa tlhodisano ena. Hlahisa tsohle tse hlokehang phousetareng ya hao.
Ntataomoholo ke ngaka ya setso. O ne a sa tswa sibolla moriana wa Sesotho o phekolang mafunyana a mangata. Ngaka ena e o kopile hore o e ralle pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo e tla e phatlalatsa hara motse ho tsebisa setjhaba ka sehlahiswa sena se setjha. Ngaka e se e o file dintlha tsohle tse mabapi le moriana ona. Ngola pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo ngaka e tla e sebedisa ho ngoka bakudi le karolo e nngwe ya setjhaba.
Baithuti ba sekolo sa heno ba ne ba hlophiseditswe leeto la thuto kgweding e shweleng. O ne o le e mong wa bao. Le ne le ile Thekong kapa dibakeng tse ding tse nang le thuto e itseng. Leeto lena la lona le nkile matsatsi a mahlano. Matsatsi ao a mahlano a bile hlokolosi haholo ho wena, mme ha o rate ho a lebala. A ke o ngole tsa matsatsi ao a mahlano dayaring ya hao. Hlahisa tsohle tsa bohlokwa, mme o se lebale ho totobatsa kamoo o neng o ikutlwa kateng.
<fn>Sesotho HL P3 Nov 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. Ha o hlaola diphoso sebedisa pensele/potloloto ho paka hore o fela o boeleditse mosebetsi wa hao.
Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao bakeng sa ho phethahatsa mehato ena.
Maafrikaborwa a thabile haholo ka ho tliswa ha tlhodisano ya mohope wa lefatshe wa papadi ya bolo ya maoto wa 2010. Ona ke monyetlahadi wa bohlokwa wa ho matlafatsa Maafrikaborwa moruong. Mmuso o sebetsa ka thata ho etsa hore baahi ba naha ena ba tle ba tshwaele ketsahalong ena. Empa jwale, tsietsi e kgolo ke ho re tlhahisoleseding e mabapi le ditokisetso e monyebe, mme setjhaba ha se tsebe seo se lokelang ho se etsa hore se tle se une molemo ketsahalong ena. Ha o bona, ke eng seo setjhaba se lokelang ho se etsa Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang mehopolo ya hao mabapi le ntlha ena?
Wena le metswalle ya hao le tshwere mashodu a mabedi a pshatlileng le ho utswa thepa sekolong sa lona. E ne e se e le lekgetlo la bobedi sena se etsahala mme tshenyo e ne e le e ballwang ho diketekete tsa diranta. Kajeno sekolo sohle hammoho le setjhaba se motlotlo ka ketso ena ya lona. Ketso ena eo le e entseng e tiisa puo ya Basotho e reng, 'Monna ha a fellwe ke maqheka'. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o phetang tseo le ileng la di etsa ho tshwara mashodu ao. Sehlooho e be, Monna ha a fellwe ke maqheka.
Mmuso o entse malebaleba le mawala a mangata a ho hlokomedisa batjha mmoho le setjhaba kotsi ya ho tsuba. Diphuputso di supa hore ho tsuba kwae ho kotsi mme ke sesosa sa mafu a mangata a akgang mofetshe (kankere) le a mang. Se makatsang ke ho re batjha bongata ba a tsuba, ho kenyeleditswe le bana ba banana. Kwae ha e na molemo setjhabeng mme e lokela ho thibelwa. Na o a dumela Ngola moqoqo mme o nehelane ka lehlakore la hao tabeng ena. Sehlooho sa moqoqo e be, Ho tsuba kwae ho kotsi?
Wena le baithuti ba bang ba sekolo sa heno le thehile mokgatlo wa thekolohelo motseng wa heno. Mokgatlo ona wa lona o tsebahala le ho ipabola ka mesebetsi le ditshebeletso tse itseng setjhabeng. Setjhaba se o tshehetsa haholo ebile se motlotlo haholo ka mokgatlo ona wa batjha. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o hlalosang le ho lokodisa ka botlalo seo mokgatlo ona wa lona o se etsang. Sehlooho sa hao sa moqoqo e be, Wa rona mokgatlo o ikemiseditse.
Demokrasi e tlile ka diphetoho tse ngata. E nngwe ya diphetoho tse tlisitsweng ke demokrasi e bile ho fediswa ha kgalemo ya baithuti ka tshebediso ya thupa dikolong. Phetoho e nngwe le e nngwe e ntjha ha e fihla setjhabeng e baka pherekano. Setjhaba se arohile dikoto ntlheng ena; sekoto sa pele se bona matitjhere a hlokiswa matla dikolong mme baithuti ba iketsetsa boithatelo, athe sa bobedi sona se bona hona e le ntho e ntle haholo hoba jwale baithuti ba kgona ho ithuta ka bobona ntle le ho hlekefetswa meyeng, maikutlong le mmeleng. Wena o bona mahlakore ana ka bobedi a nepile. O na le mabaka a hao ao ka ona o ka tshehetsang maikutlo ana. Ngola moqoqo oo ho ona o hlahisang le ho hlalosa mabaka ana a hao.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema ya hao e be mantswe a 180 - 200.
Hangata ha re bala masedinyana matsatsing ana re sisimoha maikutlo ke ditaba tse mpe tseo re di balang. Kgafetsa re utlwiswa bohloko ke tse ding tsa ditaba tse kang dipolayano, dipeto le tshebediso e mpe ya dithethefatsi dikolong. Baahi ba naha ena ba lokela ho kopana hore ba tle ba fumane tharollo ya qaka ena. Sesotho se re 'ntjapedi ha e hlolwe ke sebata', mmuso le setjhaba (batswadi, matitjhere mmoho le bona baithuti) se lokela ho tshwarana ka matsoho ho lwantsha kgodumodumo ena. O tshwenngwa ke maemo ana, mme o lakatsa ho phehisa ka ho hlahisa keletso e itseng. Ngola lengolo le yang koranteng e balwang tikolohong ya motse wa heno mme o hlahise maikutlo a hao mabapi le ntlha ena, o be o nehelane ka tharollo.
Sekolo seo o neng o le moithuti ho sona se rerile ho etsa mokete wa kopano ya baithuti ba kileng ba kena ho sona wa dilemo tse 20. Jwalo ka ha o ne o le modulasetulo wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti (RCL) o kgethilwe ho ba sebui sa letsatsi moo o tlang ho bua le ho hlalosa nalane le tswelopele ya sekolo sena sa lona. Ngola puo eo o tla e tshetlehela setjhaba moketjaneng oo letsatsing leo.
Ka letsatsi le leng o ne o le tekesing o leba toropong. Ho ile ha hlaha kotsi dipakeng tsa tekesi eo le sethuthuthu ka lebaka la koloi e nngwe e neng e le seha tsebe. O bone tsohle tse etsahetseng mohla letsatsi leo, mme o laetswe ho nehelana ka tlaleho ya se etsahetseng. Ngola tlaleho/pehelo (raporoto) eo o tla e neha ba sepolesa.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele e be mantswe a 100 - 120.
O atlehile tlhahlobong ya makgaolakgang ya kereiti ya 12. Matshwao a hao a matle ebile a a kgotsofatsa. O e mong wa baithuti bao mmuso o ba fileng basari, mme o ba romela naheng ya Cuba ho ya ithutela bongaka. Sena se o thabisetse haholo hoba ke monyetla ho wena wa ho ntshetsa pele dithuto tsa hao. O lakatsa ho arolelana thabo ena ya hao le motswalle wa hao ya ntseng a ithuta naheng ya Amerika. Ngolla motswalle enwa wa hao karete mme o mo tsebise ditaba tsena.
Wena le metswalle ya hao le ne le ithehele mokgatlo wa sosaethi o reretsweng ho thusa ditho tsa wona ho ya dibakeng tsa phomolo ka boTshitwe ha dikolo di kwetswe. Mokgatlo ona o bitswa 'A re Ahaneng'. O mongodi mokgatlong ona. Kopano ya lona ya kgwedi ya Mphalane e ne e dutse beke e fetileng, mme o tshwere lenanetsamaiso la kopano eo. Ngola metsotso ya kopano e etellwang pele ke lenanetsamaiso eo o tla e romella ditho tsa mokgatlo (bonyane beke pele ho letsatsi la kopano).
Botlokotsebe ba ho pshatla le ho utswa matlong a baahi motsheare ha ho uwe mesebetsing bo se bo ja setsi motseng wa heno morao tjena. Baahi ba lekile mawa le mekgwa e mengata ya ho fedisa sena. Ba se ba bile ba buile le ho tletleba ho wena jwalo ka lekhanselara la motse. O se o tseba dintlha kaofela, mme o se o buile le bohle ba ka o thusang ho rarolla bothata bona. Jwale o lokela ho epa pitso ya setjhaba ho tla tshohla taba ena mmoho le tse ding tse amang setjhaba. Mokgwa wa ho bitsetsa setjhaba pitsong ena e ka ba feela ho sebedisa phousetara feela hoba ha ho ditsela tse ding. Ngolla setjhaba phousetara e totobatsang dintlha tsohle tse mabapi le kopano ena.
<fn>Sesotho HL P3 Nov 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 15.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang.
Bopaki ke bo hlakileng ba hore moralo ke lebisang tlhahisong ya moqoqo o babatsehang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka bokgabane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwa-rellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotso-fatsang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boi-qapelo ka tsela e kgotso-fatsang.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng.
Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela, mme ha se ka nako tsohle di hlahiswang ka nepo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bo-kgoni bo haellang haholo.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maike-misetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata bo boholo.
Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng kapa ha a se utlwisiswe.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Bopaki ke bo haellang haholo ba hore moralo o ka lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Ha ho diphoso mope-letong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebedi-so e ntle haholo ya matshwao a puo.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebe-diso e ntle ya matshwao a puo.
Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola di-phoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le se-phetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgo-ni bo kgotsofatsang.
Bopaki ke bo kgotso-fatsang ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Bopaki bo seng bokae ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohe-di ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Bopaki bo a fokola ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebe-diso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Ha ho bopaki kapa ke bo haellang haholo ba hore tema yohle e leko-tswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo. Ho boima ho e utlwisisa.
SEBOPEHO: Popeho ya diratswana; selelekela, qetelo le bolelele bo hlokehang/ loketseng.
Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle.
Selelekela le qetelo tse baba-tsehang haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumella-nang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumella-nang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano.
Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang.
O batla o le molelele/ mokgutshwane.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e foko-lang haholo.
O molelele/ mokgutshwane haholo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Motshwayi o eletswa ho phetla buka ya mohlahlobuwa pele a ka tshwaya ho hlokomela moo mohlahlobuwa a kgwaditseng teng pele a ngola moqoqo.
Motshwayi a hlokomele hore ha mohlahlobuwa a sebedisitse pene e le nngwe/e tshwanang bakeng sa ho hlaola diphoso, a ananele boiteko boo.
Motshwayi a hlokomele hore ha mohlahlobuwa a ngotse moralo wa ditaba tse isang tlhahisong ya moqoqo, a nehwe matshwao ka sekala sa (1 - 5). Empa ha mohlahlobuwa a sa ngola moralo kapa moralo o sa phethahala a amohuwe matshwao ka sekala sa (1 - 5).
o . bakeng sa lentswe kapa karolwana e siilweng dipakeng tsa mantswe a mang.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa wona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore ka bobedi a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa a sa kgethe lehlakore le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha mohlahlobuwa a ntse a ngola moqoqo.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqo ona boholo o tla sebedisa lekgathe lefetile.
Moqoqong wa boimamelo mongodi o nahanisisa ntlha e itseng mme o nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae.
Moqoqo ona o tla nka lehlakore.
Mehopolo/menahano/maikutlo a hlahiswang a lokela ho pepesa nnete mme a bontshe ho ba le seabo ha mongodi.
Na diphoofolo di na le ditokelo?
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
Mohlalobuwa o lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho (maemo ao a iphumaneng a kene ho ona) kapa ho hong ho itseng.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Moqoqong ona bahlahlobuwa ba lekodisisa setshwantsho mme ha ba qetile ba ngola moqoqo oo ba hlalosang kapa ba phetang ka se etsahalang.
Motshwayi a hlokomele hore mohlahlobuwa a ka ngola mofuta ofe kapa ofe wa moqoqo ho ya ka moo a tla hlalosang setshwantsho ka teng.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho- polo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e foko-lang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso e baba-tsehang, e nepahe-tseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Tshebediso e ntle ha-holo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefu-tafuta e batsi le dibope-ho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Tshebediso e ntle ya tlo-tlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bo-ntshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo se-bedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Bolelele bo batla bo nepahetseng.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Tshebediso e ha-ellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo ha-ellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Diphoso tsa mope-leto di ngata; ma-tshwao a puo a sebe-diswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Motshwayi a hlokomele hore ha mohlahlobuwa a ngotse moralo wa ditaba tse isang tlhahisong ya moqoqo, a nehwe matshwao ka sekala sa (1 -2). Empa ha mohlahlobuwa a sa ngola moralo kapa moralo o sa phethahala a amohuwe matshwao ka sekala sa (1 - 2).
Lengolo le semmuso Lengolo la tletlebo.
Diaterese tse pedi - ya mongodi le ya Lefapha la tsa Selehae.
Tumediso - Motho eo lengolo le yang ho yena, mohlala, Mohlomphehi/Monghadi.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Ena ke tlhahisoleseding e sebedisetswang ho bapatsa sebaka, sehlahiswa kapa tshebeletso e itseng.
Lebitso la sebaka/sehlahiswa/tshebeletso le lokela ho hlaka.
Sebaka moo sebapatswa se fumanehang teng.
Ditshebeletso tse fumanehang sebakeng se bapatswang di lokela ho totobala.
Ditefello tsa sebapatswa, le ditshebeletso di hlahelle.
Nomoro ya mohala wa motho ya ka fanang ka tlhahisoleseding e batsi.
Ho qalwe ka lebitso la mokgatlo (lebotsi le ka hlahiswa ka kgutsufatso/akronimi kappa ka botlalo), letsatsi, sebaka, nako.
Ebe ho latela dintlha tse 4 kapa tse 5 tse tlwaelehileng, ho nto latela dintlha tse 3 tse ntjha.
Ditaba tsa metsotso di nyallane le lenanetsamaiso.
Ho kwalwa ha kopano ho hlake qetellong ya metsotso.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
Dikahare di lokela ho utlwahala hore di bolela ka se bonweng.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Dintlha tsa bohlokwa di hlake.
Ditaba di totobale di nyallane le se tlalehwang mme di kgolehe.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
E kenyeletse letsatsi le nako eo diketsahalo di etsahetseng ka lona ekasitana le lebitso la motlalehi wa ditaba.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang.
Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwa-rella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le meho-polo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopi-lweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshe-hetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e fokolang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso e baba-tsehang, e nepahe-tseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di se-bedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bo-ntshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo se-bedisitswe ka tsela e kgo-tsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Bolelele bo batla bo nepahetseng.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya ma-ntswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le se-taele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Tshebediso e ha-ellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo ha-ellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Diphoso tsa mope-leto di ngata; ma-tshwao a puo a sebe-diswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Motshwayi a hlokomele hore ha mohlahlobuwa a ngotse moralo wa ditaba tse isang tlhahisong ya moqoqo, a nehwe matshwao ka sekala sa (1 -2). Empa ha mohlahlobuwa a sa ngola moralo kapa moralo o sa phethahala a amohuwe matshwao ka sekala sa (1 - 2).
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola phousetara ka ditaba tsa pitso.
Phousetara e shebehe e le leqephe le leholo le sephara.
Phousetara e lokela ho ba le sehlooho se tla hohela ba tla tla pitsong.
Dipolelo di lokelwa ho ngola ka tsela ya dintlha.
Puo e tla sebediswa e lokela ho kgothalletsa hore setjhaba se tle pitsong.
Ditshwantsho ha di hlokahale mofuteng ona wa phousetatra.
Sebopeho e be se hlakileng hore ke sa memo.
Ditaba di hohele mmadi.
Ditaba di tobe ntlha eo ho buuwang ka yona.
Sepheo sa memo se hlake.
Letsatsi, sebaka le nako di hlake.
Ke tema e hlahisang dintlha tse hlakileng tseo mongodi a hlahisang ditshupiso.
Ditshupiso di lokela ho hlaka mme di ngolwe ka tatellano.
Ditshupiso di lokela ho tloha boemelong ba dibese ho kena khampaneng.
Ditshupiso di totobatse matshwao a tsela, meaho le tse ding.
Ke tema e fanang ka ditaelo tse tobileng tsa ho etsa ntho e itseng (tsa ho pheha papa).
Ditaelo di lokela ho hlaka mme di ngolwe ka tatellano.
Ditaelo di lokela ho tloha qalehong ya ho pheha papa ho fihla qetellong, moo papa e seng e loketse ho ka jewa.
<fn>Sesotho HL P3 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlhakgolo tseo a tlang ho ngola ka tsona). Mohlahlobuwa o lokela hore a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Ha mohlahlobuwa a hlaola diphoso a sebedise potloloto/pensele. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO ya A, metsotso e 40 KAROLONG ya B le metsotso e 30 a araba KAROLO ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Dikolo tse ngata Afrika Borwa di thulana le bothata ba baithuti ba tlang dikolong ba kwetlile dibetsa. Lefapha la Thuto le sisintse hore baithuti ba phenyekollwe pele ba kena meahong ya dikolo. Tshisinyo ena e arotse setjhaba dikoto tse pedi: sekoto se seng se re e ntle mme e tla tlisa tshireletso e hlokehang dikolong, athe se seng sona se re ke tshisinyo e mpe hoba se e bona e le kgahlanong le ditokelo tsa botho. Ngola moqoqo moo o hlahisang mahlakore a mabedi a kgang ka sehlooho sena: Baithuti dikolong ba lokela ho phenyekollwa.
Baithuti ba Kereite ya 12 ba selemo sena ba a tshepisa; ba sebetsa hantle. Sekolo se se se ile sa ba etsetsa mokete wa semetletsa wa tumediso ya bona ka lebaka la tshebetso ena ya bona e tshepisang. O moithuti wa Kereiti ya 12 sekolong sena mme o ne o le teng mohla letsatsi leo le leholo. Ngola moqoqo mme o phete ka moo mokete oo o ileng wa tsamaya ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be, Nke ke ka lebala tsa ona mokete.
Mafelong a selemo sena o tla fihlella sepheo sa hao sa pele sa tseo o ikemiseditseng ho di fihlella bophelong ba hao; o tla be o qetela dithuto tsa hao tsa makgaolakgang tsa Kereite ya 12. O sa ntse o na le maikemisetso a maholo; o lakatsa ho fihlella tse itseng bophelong ba hao. Ngola moqoqo oo ho wona o qaqisang dipheo tsena tsa hao le ka moo o ikemiseditseng ho di fihlella ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Tseo ke di labalabellang bophelong kamora Kereiti ya 12.
Ke dilemo tse leshome le metso e mehlano Afrika Borwa e ne e fumane demokerasi. Le ha ho le jwalo demokerasi e na le diphephetso tsa yona; kajeno re na le batho le mekgatlo e lwanelang le ho sireletsa ditokelo tsa diphoofolo. E dumela hore batho ba sotla le ho bolaya diphoofolo ka sehloho. Ebe diphoofolo di na le ditokelo tse lokelang ho sireletswa Wena o e bona jwang taba ee ya ditokelo tsa diphoofolo Ngola moqoqo oo ho wona o hlahisang ntlhakemo ya hao tabeng ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Na diphoofolo di na le ditokelo?
Afrika Borwa e tobane le bothata ba bananyana ba tsamayakang mebileng ka phirimana ba hweba ka mebele ya bona ka ho kena diketsong tsa thobalano. Sena se beha maphelo a bona tsietsing e kgolo. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Tsietsi eo banana ba hwebang ka mebele ba iphumang ba le ho yona.
Lefu la kwatsi ya bosollahlapi kapa phamokate (HIV) le utlwisa bohloko mme le tetebetsa batho ba bangata maikutlo. Lebaka la sena ke tlhokeho ya pheko ya lefu lena. Se nyahamisang le ho feta ke ho re tlhahisoleseding le dipalopalo tse ipetsang kgafetsa masedinyaneng, di bontsha hore lefu lena le ntse le nama ho e na le ho re le ye ka theko. Ngola moqoqo oo ho wona o lokodisang mabaka a etsang hore lefu lena le name Afrika Borwa. Sehlooho sa moqoqo e be: 'Mabaka a ho nama ha lefu la HIV le AIDS Afrika Borwa.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela). Hopola ho etsa moralo wa tema ya hao, le ho boela o e bala hape ho lokisa diphoso.
Bukana ya hao ya Boitsebiso eo e leng kgale o e emetse e fihlile. Ho fihla ha yona ho o memetse maswabi ho e na le thabo. Bukana ena e na le diphoso tse nyekisang pelo. Sefane sa hao se ngotswe hantle empa mabitso ona ke ao o qalang ho a bona. Athe senepe sona ke sa motho eo o sa tsebeng hore o phela ho lefe lefatshe. Boemo bona bo tjena ba ditaba bo tla thisisa merero ya hao ya selemo se tlang. Ngolla mookamedi wa Lefapha la tsa Selehae lengolo leo ho lona o itelang ka diphosohadi tsena.
Lenaneo la mmuso le thusang batjha ho iqalla mesebetsi, le thusitse mokgatlo wa lona ka dikeletso le ditjhelete tse entseng hore le ithehele kgwebo ya ntlo ya baeti. Ntlo ena ya baeti e sebakeng se setle, se haufi le ditshebeletso tse ngata. Le elelletswe hore batho ba bangata ha ba so tsebe ka ntlo ena ya lona ya baeti. Ka lebaka lena mokgatlo o o kopile ho ngola broutjhara bo hlakileng, bo nang le dintlha tse tsebisang le tse hohellang baeti le setjhaba ka kakaretso kgwebong ena ya lona.
O mongodi mokgatlong o hlokomelang bana ba dikgutsana motseng wa heno. Le sa tswa ba le kopano ya kgwedi, moo le neng le buisana, hara tse ding ka thuso e fuwang mokgatlo ke borakgwebo le polokeho ya dikgutsana tsena moo di dulang teng. Ngola metsotso ya kopano ya tsatsing leo. Metsotso e be le lenanetsamaiso le nang le dintlha tse 3 (ho sa balellwe dintlha tsa lenanetsamaiso tse tlwaelehileng) tse ntjha ho kenyeleditswe tse pedi tseo o seng o di filwe.
Sekolo sa heno e bile se seng sa tse itlhommeng pele pokelletsong ya dithuso tse neng di etsetswa mahlatsipa a ditlhaselo tse neng di lebisitswe ho baditjhaba. Ka lebaka leo sekolo sa heno se ile sa kotjwa ho kgetha baithuti ba leshome, ba tla thusa mekgatlo e fapaneng ho aba dithuso tseo dikampong tse pedi tsa mahlatsipa ao. Jwalo ka ha o ne o le e mong wa baithuti bao, mosuwehlooho o o kopile ho ngola tlaleho/raporoto e qaqisang ka botlalo maemo dikampong tseo le kamoo dithuso di ileng tsa ajwa kateng.
Kgetha mme o ngole tema e le nngweya bolelele ba mantswe a 100 ho isa ho a 120. Hopola ho etsa moralo wa tema ya hao, le ho boela o e bala hape ho lokisa diphoso.
Motseng wa heno moo o leng lekhanselara teng, baahi ba jella kgwebeleng sa leeba. Botlokotsebe bo jele setsi. Lekgotla la motse mmoho le sepolesa sa selehae, ba rerile ho epa pitso mabapi le taba ena. Ngola phousetara e tsebisang baahi ka pitso eo. Dintlha tsohle tsa bohlokwa di totobatswe phousetareng eo.
Lebenkele la batswadi ba hao le neng le ruthuthilwe ke mollo, le boetse le tsositswe mme le bile le letle ho feta pele. Kgweding ena e tlang ho tla be ho entswe mokete wa semetletsa wa ho le bula. Ngola karete ya memo eo ka yona o memelang motswalle wa hao moketeng oo.
Mokopi wa sekgeo sa mosebetsi seo khampane ya hao e neng e se phatlaladitse, o lokela ho tla tlhahlobong/inthaviung e malebana le sekgeo seo sa mosebetsi. O founne a bolela hore ha a tsebe sebaka seo khampane ya lona e leng ho sona. Mo ngolle o mo nehe ditshupiso tse tla mo tataisa hore a fihle hantle khampaneng eo ya hao. Ditshupiso tseo o mo nehang tsona di mo tataise hantle ho tloha boemelong ba dibese (renkeng) mme di be le matshwao a kang meaho, mabitso a diterata jj a tla etsa hore a fihle ha bonolo ho lona.
Ho fihlile moditjhaba ya ratang ho ithuta mokgwa wa ho pheha wa Basotho. Moditjhaba eo o kopa ho hlalosetswa hore papa e phehwa jwang. Ngola ditaelo moo o hlalosang hore papa e pehwa jwang. Qala moo o behang pitsa ifo.
<fn>Sesotho HL P3 Prep Memo 2008.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 17.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o babatsehang Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Ha ho bopaki ba hore moralo (kapa moralo ha o a etswa hohang) o lebisa tlhahisong ya moqoqo o ngotsweng.
DIKAHARE (difuperweng): tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo haellang haholo Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo, Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo, ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, dikapolelo le bopaki bo bonyenyane bo supang kgetho ya mantswe e bontsha ng boiqapelo Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha kgetho ya mantswe e haellang Sebedisa thutapuo ka bokgoni bo haellang, dibopeho tsa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara/ setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho Rejisetara e sebedisitswe ka bokgoni bo botle, setaele se hlakileng sa hae Tshebediso e ikgethi-leng ya sehalo e ntla-fatsa se ngotsweng ka tsela e babatsehang. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala Rejisetara e sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso ya sehalo ka tsela e fapafapa-nang e laolwa ka ho phethahala. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo Rejisetara e sebedisitswe hantle mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso ya sehalo ka tsela e fapafapanang e batlang e laolwa ka ho phethahala. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo Rejisetara e sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae Taolo e lekaneng ya tshebediso ya sehalo ka tsela e bontshang ho fapafapana. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang Rejisetaran le setaele di sebedisitswe ka tsela e lekaneng, feela e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng Tshebediso e seng kae ya sehalo ka ho fapafapana. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo Rejisetara le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo bo haellang ba setaele sa hae Sebedisa sehalo ka ho fapafapana ka sewelo. Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara e loketseng, setaele kapa ho ikutlwahatsa Sebedisa sehalo ka ho fapafapana ka bokgoni bo haellang haholo. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
TEKOLO BOTJHA: ho hlaola diphoso, bala hape, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethahatseng Bopaki bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Nehelano e babatsehang Bopaki bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Bopaki bo hlakileng ba hore mosebetsi o lekotswe botjha, ha lokiswa boholo ba diphoso mme sehlahiswa sa ho qetela se setle haholo Nehelano e ntle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa boholo ba diphoso mme sehlahiswa sa ho qetela ke se phethetsweng hantle Nehelano e ntle haholo Bopaki ba ho kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a sebetsa ka boyena ka tsela e kgotsofatsang Diphoso tse ngata di lokisitswe ha ho balwa hape le ho lekola botjha, mme ha hlahiswa moqoqo o kgotsofatsang Nehelano e kgotsofatsang Bopaki bo seng bokae ba ho kgwaritsa hape, ho bala hape ho lokisa diphoso Bopaki ba hore mosebetsi o lekotswe botjha ho lokisa diphoso mme ha nehelanwa ka sehlahiswa se phe-thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e amohelehileng Kgwaritsa hape empa o hlolwa ke ho lokisa boholo ba diphoso Mosebetsi ha o a lekolwa botjha ka tsela e lekaneng hoo ho leng boima ho bala sehlahiswa se phethetsweng Nehelano e haellang Diphoso tse ngata tse rothofatsang moelelo Mosebetsi ha o a lekolwa botjha ho lokisa diphoso Diphoso di ngatangata hoo le moelelo o batlang o le lerootho.
Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya Karolo ya A (Moqoqo): Mohlahlobuwa o tshwauwa hodima matshwao a mashome a mahlano.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo ha ho tshwauwa moqoqo, ho boele ho tadingwe dintlha tse ding tse kang mofuta wa moqoqo o lokelang ho hlahiswa ke mohlahlobuwa. Sebopeho sa sa moqoqo se hlahise hantle dintlha tsena: -selelekela -mmele le -qetelo. Pampiring ena ho botsitswe meqoqo ena tjena: 1.1 Moqoqo wa kgang/ngangisano (Argumentative): Tefello ya motlakase Afrika Borwa. Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa lehlakore la hae le ho le ntshetsa pele, a bile a sireletsa ntlhakemo ya hae. 1.2 Moqoqo o pepesang ditaba/dintlha (Expository): Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo sena Moqoqong ona ho hlahiswa/fetiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ke moqoqo wa dintlha oo mohlahlobuwa a hlalosang kapa nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Dintlha tsa mohlahlobuwa di tshehetswe ka bopaki. 1.3 Moqoqo wa phethelo (Narrative): Ka tla ka sulafallwa ke sekolo... Ho ona mofuta mohlahlobuwa o lokela ho pheta pale kapa diketsahalo tse etsahetseng. Moqoqo o ka ngolwa ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe. 1.4 Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore (Discursive): Tshwaro e mpe ya bonkgono le bontatemoholo Ona ke mofuta wa moqoqo ha o nke lehlakore, mme mohlahlobuwa o lokela ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakore a kgang ka bobedi. Mohlahlobuwa o lekola mahlakore a mabedi a sehlooho sena, e be o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapd lefe. Mohlahlobuwa a fihlele qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano. 1.5 Moqoqo o hlalosang (Descriptive): Tharollo ya bothata ba baditjhaba... Moqoqong ona o hlalosang, mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ka ho neha moamohedi wa ditaba sebaka sa ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng jwalo ka yena (mohlahlobuwa). Moqoqong ona ho hlaloswa motho.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
SEBOPEHO: -matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo Bolelele bo nepahetse Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima Tema e batla e le telelele/kgutshwa ne Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatse-hang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodisa-ng haholo, tse tshwa-rellang mme tse bo-pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehe-tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bo-kgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Nehelano e babatsehang Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se setle haholo Nehelano e ntle haholo Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se setle Nehelano e ntle Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e amohelehileng Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e kgotsofatsang Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima Nehelano e haellang Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya Dikarolo tsa B Ditema tsa Kgokahano, tse telele..
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano tse telele) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
diaterese tse pedi ya mongodi hodimo ka letsohong le letona, ho latele letsatsi, kgwedi le selemo ho nto ngolwa ya motho ya ngollwang, e etellwang pele ke maemo a eo ya ngollwang, e leng majoro. Ho latele tumediso monghadi e latelwang ke sehlooho sa ditaba.
ho sebediswe puo e nang le tlhompho, e otlolohileng mohlahlobuwa a tobe ditaba.
Puisano ya ho botsa dipotso inthaviu Sepheo sa mofuta ona wa tema inthaviu0 ke ho nehelana ka tlhahisoleseding e itseng e mabapi le sehlooho se ikgethang, mme e batla e tshwana le puisano.
e be le batho ba babedi ho be le tatellano e itseng ya dipotso tse itshetlehileng sehlooho se itseng sebopeho se itseng se be teng, - se tshwanang le sa puisano hantle feela puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba.
Lengolo (la setswalle)Mofuta ona wa tema (lengolo) o lokela ho ba sebopeho se itseng aterese e le nngwe (ya mongodi hodimo ka letsohong le letona, ho latele letsatsi, kgwedi le selemo).
Ho latele tumediso (Thabo/Dineo).
ho sebediswe puo e nang le tlhompho, e otlolohileng le ha e na le bolokolohi bo itseng.
mohlahlobuwa a ele hloko ditaelo - a ipapise le ditaelo le hoja a na le bolokolohi bona.
Ho be le diratswana tse bopang mmele rejisetara e be e elang hloko baamohedi ba ditaba.
Sehalo: tlhahisoleseding ke e fanang ka dintlha mme sehalo se sebediswang e be se mahareng.
Lengolo la ya koranteng Mofuta ona wa tema o lokela ho ba mokgutshwane empa o phethahale.
mehopolo ya sehlooho e tshehetswe ka mehlala, dintlha kapa mabaka, mme e etellwe pele ka mantswe a kang ntlheng ya pele, ntlheng ya bobedi, jwalojwalo.
puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba rejisetara e be e elang hloko baamohedi ba ditaba.
Sehalo: tlhahisoleseding ke e fanang ka dintlha mme sehalo se sebediswang e be se mahareng.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng Bolelele bo nepahetse Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo Bolelele bo nepahetse Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima Tema e batla e le telelele/kgutshwa ne Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatse-hang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodisa-ng haholo, tse tshwa-rellang mme tse bo-pilweng ka boiqapelo Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehe-tsang ke tse hae-llang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bo-kgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang Nehelano e babatsehang Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se setle haholo Nehelano e ntle haholo Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se setle Nehelano e ntle Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e amohelehileng Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phe-thetsweng se kgotsofatsang Nehelano e kgotsofatsang Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima Nehelano e haellang Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya Karolo ya C (Ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane).
ELA HLOKO: Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Potso ya 3 (Karolo ya C): ditema tsa kgokahano tse kgutshwane di botsitswe tjena: 3.1 Ditaelo Mofuta ona wa tema (dayari) o lokelana le sebopeho se itseng sebopeho se hlahiswa ka seratswana (paragraphs) se le seng taelo (tlhokomediso) e utlwahale hantle mme e tobe taba.
puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba sehalo e ka ba se mahareng. 3.2 Dayari/bukatsatsi Mofuta ona wa tema (dayari) o lokelana le sebopeho se itseng diketsahalo di arolwe ka matsatsi puo e be e bonolo, e napahetseng, mme e tobe taba matsatsi ao ditaba di ngotsweng ka ona a nepahale sehalo e ka ba se mahareng 3.
<fn>Sesotho HL P3.txt</fn>
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 400 ho isa ho 450.
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane.
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso - mantswe a 120 ho isa ho a 150.
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka ona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi hao le ho hlaola diphoso.
Baithuti bohle ba dikolong, haholo ba phethelang Lengolo la Thuto e Phahameng la Naha la Kereite 12, ba se ba le malala-a-laotswe bakeng sa ho latela dithuto tse ding tse lebisang makaleng a fapaneng a mesebetsi. Le wena o moithuti ya qetelang sekolong selemong sena mme o se o entse dipatlisiso mabapi le lekala la mosebetsi leo o tlang ho le nka. A ko ngole moqoqo oo ka ona o hlakisetsang babadi ba hao ka tsa lekala lena la mosebetsi leo o le kgethileng.
Lekala la mosebetsi leo ke ratang ho le nka.
Thekenoloji e bebofaditse bophelo ka ditsela tse ngata baahing ba Afrika Borwa. Mathata a fapafapaneng ao ba neng ba na le ona, kajeno ke a maobane. Kajeno diselefounu di bebofaditse bophelo.
A ko ngole moqoqo o phete tsa makaqabetsi ao o kileng wa ba ho ona, le mokgwa oo selefounu e ileng ya o qaholla ka wona.
Ya tla ya nthusa selefounu hoja ke ne ke le makaqabetsing.
Phephetso e kgolo eo Afrika Borwa e tobaneng le yona moraorao tjena ke kgaello ya mesebetsi. Batjha ba qetang dithuto tsa bona dikolong le diyunivesithing ha ba fumane mesebetsi. Hona ke phephetso e kgolo e re tjametseng. Re tla etsa eng ka batjha baa Re lokela ho kopanya mehopolo ho fumana tharollo qakeng ena, etswe letshwele le beta poho. Ekaba wena jwalo ka motjha o bona e ka rarollwa jwang Ha e ne eba o letona la mmuso la tsa metsebetsi o ne o ka tla ka mawa afe. Ngola moqoqo oo ho ona o hlahisang le ho hlalosa mawa a ka sebediswang ho rarolla bothata bona?
O sa tswa bala kaekae masedinyaneng kapa bukeng moo mongodi e mong a eletsang setjhaba mabapi le dintlha tse amanang le tsa phedisano. O kgahlilwe haholo ke ntlhakemo ya hae ha a talola bothata le tsietsi eo setjhaba se tobaneng le yona mabapi le tlhekefetso ya bana, haholo ba banana. O bontsha le ho eletsa setjhaba hore se lokela ho fetoha. A ko re phetele ka sena seo o se badileng mme o totobatse haholo seo o ithutileng sona.
Ho na le batho ba bohlokwa bophelong ba rona ka nako tsohle, mme re ye re iphumane re ba rata le ho ba hlompha. Ke batho bao e leng qhoku tsa rona bao re ka ithutang ho hong ho bona mme ba a re matlafatsa bophelong. Qhoku e jwalo e teng bophelong ba hao. Motho enwa o na le tshusumetso e matla ho wena. O fumana morolo ha o mo tadima. Ha e sale e le seikokotlelo sa hao seo o itsheheditseng ka sona ho fihlela lena le hodimo. A ko ngole moqoqo mme o re qaqisetse motho enwa ya hlokolosi eo o mo ratang hakaana.
Ngola tema e le nngwe e bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
Le le baithuti ba kereiti ya 12, le na le tletlebo ka boitshwaro ba ba bang ba baithutimmoho le lona. Lemulwana la baithuti bana, ka Mantaha o mong le o mong le fihla le nkga jwala phu! sekolong, mme le kgaleha hoo le kgonang ka phaposing. Ketsahalo ena e a le sitisa dithutong tsa lona. Ka Labohlano ba tswa ka hora ya leshome sekolong mme ba qobella ba bang ba mphato ho tsamaya le bona. Mosuwehlooho o buile ebile o tapile. Ngolla Lafapha la Thuto la Provense ya hao memorandamo wa tletlebo ka boitshwaro bo hlephileng ba baithuti bana. Bontsha ka moo diketso tseo e leng tshitiso dithutong tsa lona ka teng.
O moithuti ya hlwahlwa mme o kgethilwe ke ba mphato wa hao ho ya nehelana ka puo ya thoholetso le ho eletsa baithutimmoho pele le ngola hlahlobo ya makgaolakgang. Selemong se tlang le tla be le Dikolong tsa Thuto e Phahameng, ditsheng tse fapaneng. Ba bang ba lona ba tla be ba sa kgone ho tswela pele dithutong ka baka la tlhokeho ya tjhelete. Ngola puo ya thoholetso le ho eletsa baithuti hore ba hahamalle pele, ho se be le tshitiso bokamosong ba bona.
O modulasetulo wa Lekgotlakemedi la Baithuti (RCL). O ne o ile kopanong ya baduladitulo ba Makgotla a Baithuti e neng e tshwaretse Johannesburg International Conference Centre (ICC). Le ne le kopane le le baduladitulo ba dikolo ba dinaha tse matjhabeng. Ngolla mosuwehlooho wa sekolo sa hao raporoto/pehelo moo o behang mabapi le diqeto tse entsweng kopanong eo ka tse neng di tshohlwa moo.
Sekgeo sa mosebetsi se phatlaladitswe ho a mang a masedinyana a naha. O nahana hore ke mosebetsi oo o ka o etsang. Ngola lengolo la kopo ya mosebetsi moo o kopang mosebetsi ho e nngwe ya dikhampane tse kgolo tsa mona Afrika Borwa. Hlokomela hore o lokela ho iqapela hore ke mosebetsi wa mofuta ofe.
Ho na le qhoku e seng e re siile motseng wa heno. Qhoku ena ke kgabane ya setjhaba, ka ha e sebeleditse setjhaba ka bohlwahlwa le ka bokgabane. O kgethwa ke ba lelapa ho ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuwari) ka ha ba tshepa le ho dumela hore o ne o le naletsana e pela kgwedi ka ha le ne le sebetsa mmoho. Ananela kopo ena ka ho ngola tsa bophelo ba qhoku ena.
Ngola tema e le nngwe e bolelele ba mantswe a 120 ho isa ho a 150.
O pasitse kereiti 12 mme ha o kgone ho ntshetsa pele dithuto tsa hao ka mabaka a utlwahalang. O utlwetse ka Umsobovu, e leng mokgatlo o thusang batjha ka ditjhelete tsa ho iqalla kgwebo. O fumane tshehetso ho tswa ho Umsobovu mme o se o qadile kgwebo. Etsa papatso ho tsebahatsa kgwebo ya hao ho batho ba motse wa heno hore sehlahiswa sa hao se tle se tsebisahale mme se rekwe.
O atlehile dihlahlobong tsa hao tsa kereiti ya 12. Batswadi ba hao ba o etsetsa moketjana wa teboho. Etsa karete ya memo moo o memang motswalle wa hao ho tla thaba le ho leboha le wena.
O moithuti wa selemo sa ho qetela sekolong sa hao. Ka mehla baithuti ba kereiti ya 12, ba tshwara meketjana ya ho iteboha le ho tla fumana dikeletso matitjereng a bona. O lokela ho fumana motswalle eo o tla tla le yena moketjaneng oo o tla tshwarelwa sekolong sa hao mantsiboya ka hora ya bosupa hodima hlooho. O ile wa etsa kopo ho ba lenaneo la thelevishene la Selimathunzi ho o batlela motswalle. Ka lehlohonolo ba dumetse ho o tlisetsa motswalle, empa ha ba tsebe moo sekolo sa lona se leng teng. Ba ngolle tema ya ditaelo eo ba tla e sebedisa ho tla fihla moo sekolong sa heno. Hlalosa ditaelo ka botlalo ho tloha tseleng e kenang toropong ho ya fihla sekolong.
<fn>Sesotho Home Language.txt</fn>
Tokomane ena ke tokomane ya leano mme e arotswe ka dikgaolo tse nne. Ho bohlokwa hore mmadi a hokele mmoho tlhahisoleseding e hlahang dikarolong tse fapaneng tsa tokomane ena. Dikahare tsa kgaolo e nngwe le e nngwe di hlaloswa mona ka tlase.
Kgaolo ena e hlalosa dintlhatheo le matshwao a moralo a Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). E fana ka selelekela sa kharikhulamo ho mmadi.
Kgaolo ena e nehelana ka tlhaloso, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi mmoho le Diphetho tsa ho ithuta tsa Lekala la ho Ithuta la Dipuo. E atametsa mmadi dintlheng tse amang Dipuo.
Kgaolo ena e kenyeleditse Maemo a Tekanyetso a Sephetho sa ho Ithuta ka seng mmoho le dikahare le maemo a tse ithutwang a thuto ena. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka tsela e tataisang mobadi ho bona kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12. Ka hoo Maemo a Tekanyetso a adilwe maqepheng a mabedi ka tatellano. Qetellong ya kgaolo ho behilwe dikahare le maemo a tse ithutwang tse ka sebediswang ho ruta, ho ithuta le ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ena e nehelana ka tsela e akaretsang ya ho etsa tekanyetso e akanngwang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha. Qetellong ya kgaolo ho na le lenane la ditlhaloso tsa bokgoni tsa thuto ena. Lenane le hlahisa dikgato, sekala le ditlhaloso tsa bokgoni tsa kereite ka nngwe. Ditlhaloso tsa Bokgoni di hlophisitswe ka tsela e bontshang kgolo e teng ho tloha kereiting ya 10 ho isa ho ya 12.
Kananelo ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) e nehelana ka motheo wa diphetoho tsa kharikhulamo le kahobotjha mona Aforika Borwa.
aha Aforika Borwa e kopaneng le e itshetlehileng demokerasing, e kgonang ho ipeha boemong bo loketseng ba matjhaba jwalo ka mmuso o ikemetseng.
Molaotheo o boela o totobatsa hore "motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ntshetsa pele thuto, mme Mmuso o lokela ho etsa matsapa a hore thuto eo e fumanehe mothong e mong le e mong, ka tsela e kgonahalang le e ntshetsang pele".
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se beha motheo oo ka ona sena se ka fihlellwang, ka ho hlalosa Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekanyetso, mmoho le ho qaqisa metheo le makgabane tseo kharikhulamo e theilweng hodima tsona.
kananelo ya tsamaiso ya tsebo ya selehae le mahlale a kgale; le kamohelo, boleng le bokgoni.
Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa 108 wa 1996) o bopa motheo oo ka ona phetoho phedisanong e tliswang setjhabeng ka mora nako ya kgethollo. Tlhokeho ya ho tlisa diphetoho setjhabeng sa Aforika Borwa ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng e bakwa haholo ke teko ya ho lokisa bosoro bo bakilweng ke puso ya kgethollo dikarolong tsohle tsa maphelo a batho, haholoholo thutong. Maikemisetso ka diphetoho ho tsa phedisano thutong ke ho netefatsa hore bosiyo ba tekatekano bo bileng teng thutong ka nako e fetileng bo a lokiswa, le ho hlahisa menyetla ya thuto dikarolong tsohle tsa setjhaba. Haeba diphetoho tsa phedisano di ka fihlellwa, baahi bohle ba Aforika Borwa ba lokelwa ho tiisetswa thutong ka ho elellwa bokgoni ba bona le ka ho tlosa ditshita tseo e leng tsa maiketsetso tse sitisang ho ka fihlella mangolo a thuto.
Thuto e theilweng diphethong ke motheo wa Kharikhulamo ya Aforika Borwa. Thuto e theilweng diphethong e tsitlallela ho neha baithuti bohle monyetla wa ho fihlella sehlohlolo sa bokgoni ba bona ba ho ka ithuta ka ho beha Diphetho tsa ho Ithuta tseo baithuti ba lokelang ho di fihlella qetellong ya ho ithuta ha bona. Thuto e theilweng diphethong e kgothaletsa mokgwakatamelo o itshetlehileng moithuting le hodima diketsahalo thutong. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se bopa Diphetho tsa ho Ithuta tsa dikereite tsa 10 - 12 tse theilweng Diphethong tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse kgothaleditsweng ke Molaotheo le tsamaiso ya demokerasi.
sebedisa mahlale le thekenoloji ka bokgoni le ho bontsha ka tshwanelo boikarabelo tikolohong le bophelong bo botle ba batho ba bang; le ho bontsha kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka diketsahalo tse nang le kgokahano, ka ho elellwa hore tharollo ya bothata ha e tadingwe e le nngwe feela jwalo ka karolo ya setho se feletseng sa mmele.
utulla menyetla ya thuto le ya mesebetsi; le ho ntshetsa pele menyetla bothehing ba dikgwebo.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho bopa tsebo le bokgoni tse maemong a phahameng tsa baithuti. E theha ditebello tseo baithuti ba Aforika Borwa ba lokelang ho di fihlella. Toka ho tsa phedisano e hloka hore dikarolo tse ding tsa setjhaba tse neng di fokodiswa ka ho hanelwa ka tsebo le bokgoni di matlafatswe. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha se totobatsa boemo ba tsebo le bokgoni tseo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme se beha le ho etsa dipehelo tse boemong bo hodimo tse lokelang ho fihlellwa dithutong tsohle.
Nyalanyo e fihlellwa dithutong tsohle le ditikolohong tsa ho ithuta. Nyalano ya tsebo le bokgoni ho habahanya le dithuto le tikoloho ya mosebetsi di hlokolosi ho fihlella boitshupo ba bokgoni ba tshebetso jwalo ka ha bo hlaloswa ka hara Moralo wa Mangolo a Thuto. Tshebediso ya bokgoni e reretswe ho ka nyalanya mefuta e meraro e ikgethang ya bokgoni, e leng, tshebetso ya matsoho, bokgoni ba motheo le ba ho nahana. Ha ho tliswa nyalano le bokgoni ba tshebediso ya ditho tsa mmele, Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho ntshetsa pele mokgwakatamelo wa ho ithuta ka ho nyalanya tsebo ya hore ntho e etswa jwang, tsebo ya ho etsa ntho ka matsoho mmoho le bokgoni ba ho nahana.
Kgatelopele e bolela tshebetso ya ho bopa le ho ntshetsa pele tsebo e tswetseng pele le e raraheneng ka ho phethahala mmoho le bokgoni. Ditatemente tsa Dithuto di bontsha kgatelopele e teng ho tloha kereiteng e nngwe ho ya ho e nngwe. Sephetho sa ho Ithuta se seng le se seng se latelwa ke tlhaloso e hlakileng ya phihlello ya bokgoni bo lebeletsweng sephethong ka seng. Maemo a Tekanyetso a hlophisitswe ka sebopeho se bontshang dikgato tse supang kgolo e tswelang pele ya bokgoni bo lebelletsweng kereiting e nngwe le e nngwe. Dikahare le maemo a tse ithutwang tsa kereite ka nngwe le tsona di tla bontsha kgolo ho tloha ho tse bonolo ho isa ho tse rarahaneng.
Ka kamano ho bolelwa kgokahano e teng dipakeng tsa mangolo a thuto a dikgatong kapa mekgahlelong e fapaneng e teng Moralong wa Mangolo a Thuto a Naha e nehelanang ka kamohelo mangolong a mang a thuto. Sena se bohlokwa haholo ha ho tluwa mangolong a thuto a welang lekaleng le le leng la thuto. Ka ha mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o tsepetswe dipakeng tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, ho bohlokwa hore Lengolo la mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) le amanngwe le Lengolo la Thuto le Thupello e Akaretsang, le mangolo a thuto a welang makaleng a tshwanang a Thuto e Phahameng. Hore ho tle ho kgonahale ho fihlella kamano ena, popo ya Setatemente sa Thuto se seng le se seng e kenyeleditse tekolo ya ditlhoko e lebelletsweng qetellong ya Dikolo tsa ho Ithuta tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang, le seo ho nkuwang hore se lokelwa ho ithutwa sethatong sa kgato ya ho kena dithutong tse nang le kamano tsa mokgahlelo wa Thuto e Phahameng.
Thwaleho e bolela kgonahalo ya ho ka fetisetsa dikarolwana tsa mangolo a thuto tse itseng (dithuto kapa karolwana feela) ho mangolo a mang a sele ha feela di wela lekaleng la ho ithuta le le leng la mokgahlelo wa Moralo wa Mangolo a Thuto. Mekgwa e fapaneng ya ho bebofatsa phetolelo ya dithuto tse ka fihlellwang dikereiting tsa 10 - 12 e sebedisitswe, thuto e lekanngwa le Maemo a Tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse 20. Dithuto tse akaretswang tlasa Setatemente sa Kharikhulumo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di bapisitswe le dikarolwana tsa maemo a tekanyetso/mekgwa ya ho lekanyetsa e bopang dikarolwana (diyuniti) tse tshwanetseng tse ngodisitsweng Moralong wa Mangolo a Thuto. Ditokelo tsa botho, kenyeletso ya bohle, toka ho tsa tikoloho le ho tsa phedisano.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se leka ho ntshetsa pele ditokelo tsa botho, toka ho tsa phedisano le ho tsa tikoloho. Ditatemente tsa dithuto tsohle tse ntjha di ahelletse ka hare ho tsona metheo le mekgwatshebetso e kenyeleditseng toka ho tsa phedisano le tikoloho mmoho le ditokelo tsa botho jwalo ka ha di hlalositswe Molaotheong wa Repaboliki ya Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se batla se le sedi haholo dintlheng tse amanang le phapano, tse jwalo ka bofutsana, tlhokeho ya tekatekano, semorabe, kgethollo ya bong, puo, boholo (dilemo), ho se itekanele le dintlha tse ding.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se kgetha ho nka mokgwakatamelo o kenyeletsang tsohle ka ho qolla ditlhoko tse tlasetlase tseo baithuti bohle ba lokelang ho di fihlella. Se ananela ntlha ya hore baithuti bohle ba lokela ho nehwa monyetla wa ho ntlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni bohle ba bona ha feela ba fumantshwa tshehetso yohle. Ditlhoko tsa moithuti tsa kelello, tsa phedisano, tsa maikutlo, tsa semoya, le tsa mmele di elwa hloko ha ho ralwa le ho bopa Lenanetsamaiso la ho Ithuta le ka tshebediso e loketseng ya disebediswa tsa ho lekanyetsa.
Ka dilemo tsa bo 1960 kgopolo ya 'bokgoni ba mahlale a mekga e mengata' e ile ya tlama ditsebi tsa thuto ho elellwa hore ho ne ho na le ditsela tse ngata tsa ho sekasekana le tlhahisoleseding, e le ho hlahisa dintlha le ho etsa moelelo wa lefatshe, mme hoo, haeba motho o lokela ho hlalosa bohlale botjha, mekgwakatamelo ena e lokelwa ho nkelwa hloohong. Ho fihlela nakong eo, Lefatshe la Bophiremela le ne le ananela, jwalo ka bohlale bo amohelehileng, tlhahlamano ya dikgopolo, tsebo ya dipalo le bokgoni ba puo, mme batho ba ne ba nkuwa hore ba 'bohlale' ha feela ba ne ba itshupa ka tsela ena.
Dipuo - Sesotho Puo ya Lapeng fapaneng tsa tsebo tseo ka tsona batho ba etsang moelelo le ho bona bohlokwa, le ho amahanya sena le lefatshe leo ba phelang ho lona ka tsona. Moelelo wa tsamaiso ya tsebo le lehae le mahlale a kgale mona Aforika Borwa o hlalosa pokello ya tsebo e fuperweng ka hara mohopolo le ditumelo tsa seAforika wa kutlwisiso ya bophelo mmoho le ditsela tsa ho etsa dintho o ile wa fetofetoha ka nako ya dilemo tse balwang ka dikete. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 -- 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se hlahisitswe ka tsela e kenyeletsang tsamaiso ya tsebo ya lehae le mahlale a kgale Ditatementeng tsa Thuto. Se ananela nalane le lefa la naha ena mmoho le seabo sa yona jwalo ka e meng ya mehlodi ya diphetoho ho thusa ho bopa makgabane a kenyeleditsweng ka hara Molaotheo. Ho lekilwe ka hohlehohle ho kenyeletsa ditjhadimo tse fapaneng ho thusa ho fumana tharollo ditikolohong tsohle tsa ho ithuta.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ikemiseditse ho amoheleha ho latela lenane la diphetoho le ka nehelanang ka thuto e ka bapiswang ka boleng, bophara le botebo le ya dinaha tse ding. Tiisetso ya boleng e lokela ho laolwa ho ya ka ditlhoko tse behilweng ke Molao wa Lekgotla la Bolaodi ba Mangolo a Thuto la Aforika Borwa (Molao wa 58 wa 1995), Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng ba Thuto le Thupello, le Melawana e laolang Tiisetso ya Boleng wa Mekgahlelo ya Thuto le Thupello e Akaretsang le wa e Tswellang (wa 2001).
Mofuta wa moithuti ya lebelletsweng ke ya tla bodulelwa moya ka tsa boiphediso/makgabane, mme o tla etsa tsohle molemong wa setjhaba a itshetlehile hodima tlhompho ya demokerasi, tekatekano, seriti sa botho, mmoho le toka ho tsa phedisano jwalo ka ha ho hlaloswa Molaotheong.
Moithuti ya tla hlahiswa ke mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang o lokela ho bontsha phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse seng di hlalositswe pejana qalehong ya tokomane ena. Dithuto tse welang Mokgeng wa tse Tlamang kaofela di ntshetsa pele phihlello ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele, ha dithuto tse itseng tse welang Mokgahlelong wa tse Ntshetsang pele tsona ka bonngwe di thusa phihlellong ya Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele tse itseng.
kgona ho fetisetsa bokgoni ba hae ho tloha maemong a tlwaelehileng ho isa ho a sa tlwaelehang.
Matitjhere le bohle ba nang le kamano ho tsa thuto ba na le seabo sa bohlokwa diphetohong tse etswang thutong Aforika Borwa. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se labalabela matitjhere a nang le mangolo a hodimo a thuto, a nang le bokgoni, a nang le maikemisetso, mme a tsotellang. A tla kgona ho phethatsa dikarolo tse fapaneng tsa boikarabelo bo hlalositsweng bukaneng ya Melawana le Maemo a Tshebetso ya Bohle ba amanang le Thuto. E kenyeletsa ho ba motataisi thutong, ya hlalosang, le ya ralang lenanetsamaiso la thuto mmoho le dithusathuto tse ding; baetellipele, bahlophisi ba tsamaiso le balaodi; baetsadipatlisiso le baithuti ba ka nako tsohle; ditho tsa setjhaba; baahi le baruti, balekodi; mmoho le ditsebi tsa dithuto tse itseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se bopilwe ka tokomane ya Tjhebokakaretso, Moralo wa Leano la Mangolo a Thuto la Maemo a Tekanyetso, le Ditatemente tsa Dithuto.
Dithuto tse akaretswang ke Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) di arotswe ho ya ka Makala a ho Ithuta.
Tikoloho ya ho ithuta ke eng?
Tikoloho ya ho ithuta ke mokga o sebetsang jwalo ka pokello ya dithuto tse nang le kamano e itseng, e bebofatsang ketso ya melawana e isang pokellong e jwalo Lengolong la Thuto le Thupello e Tswellang (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ho arolwa ha Ditikoloho tsa ho Ithuta dikereiteng tsa 10 - 12 ho fadimehetse ntlha ya thwaleho mabapi le mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang le mokgahlelo wa Thuto e Phahameng, mmoho le morero wa tlhophiso wa dinaha tse ding.
Dipuo - Sesotho Puo ya Lapeng motheo, ho lokelwa ho toboketswe hore makalago a tlhophiso a leshome le metso e mmedi ha se Ditikoloho tsa ho Ithuta kapa 'tsebo', empa a mpa a hoketswe le mekga e fapaneng ya makala a mesebetsi.
Thuto ke eng?
Thuto ha e sa le e hlaloswa, ho tloha kgale, e le pokello ya 'tsebo' e itseng ho tsa ho ithuta. Tsebo ena e ne e etsa toboketso e seng kae hodima bokgoni, tsa boitshwaro setjhabeng le maikutlo kapa tjhadimo. Hape di ne di sehetswe meedi e thata dipakeng tsa tsona. Hangata dithuto di ne di toboketsa seabo sa tsebo se hlahang Bophiremela.
(Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) meedi ya dithuto e lerotho. Tsebo e hokahantswe le seo e leng kgopolo ya ho etsa, bokgoni le tsa makgabane boitshwarong. Dithuto di tadingwa di na le sebopeho sa ho fetofetoha, mme di bile di hlohleletswa ke tsebo e ntjha e batsi, ho kenyeleditswe tsebo eo ka tlwaelo e sa le e qheletswe ka thoko kharikhulamong.
Ho ya ka kharikhulamu e theilweng diphethong, thuto e hlaloswa ka tsela e batsi ka Diphetho tsa ho Ithuta, e seng feela ka pokello ya se rutwang/dikahare. Ho ya ka moelelo wa mona Aforika Borwa, Diphetho tsa ho Ithuta di lokela, ho ya ka moo di radilweng ka teng, ho re tataisa ho fihlella Diphetho tse Hlokolosi le tse Ntshetsang pele. Diphetho tsa ho Ithuta di hlaloswa ka tsela e batsi, mme di bonolo le ho fetofetoha, mme di nehelana ka sebaka sa ho kenyeletsa tsebo ya lehae.
Sephetho sa ho Ithuta ke eng?
Sephetho sa ho Ithuta ke setatemente se hlalosang sephetho sa maikemisetso a ho ithuta le ho ruta. Se hlalosa tsebo, bokgoni le tsa boitshwaro/makgabane ao baithuti ba lokelang ho a fihlella ha ba fihla qetellong ya Mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang.
Maemo a Tekanyetso ke eng?
Maemo a Tekanyetso ke tsela e akaretsang eo ho nehelanwang ka bopaki bo supang seo moithuti a se tsebang le ho kgona ho ka se etsa e le pontsho ya phihlello ya hae ya Sephetho sa ho Ithuta kereiting tse itseng. Maemo a Tekanyetso a fupere tsebo, bokgoni le tsa boitshwaro/makgabane a hlokehang ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Maemo a Tekanyetso Sephethong sa ho Ithuta ka seng a bontsha ka ho akaretsa kgolo e etsahalang kelellong ho tloha kereiting e nngwe ho ya ho e nngwe.
Kgaolo ya 1, Tlhahiso ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha: Kgaolo ena e akaretsang e hlalosa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa 10 - 12 (Lekala la ho Ithuta la kakaretso).
Kgaolo ya 2, Tsebiso ya Lekala la ho Ithuta la Dipuo: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa sehlooho tsa thuto. E bopilwe ka tlhaloso ya thuto, maikemisetso, tekanyo, kgokahano ya thuto le mesebetsi e fapaneng, mmoho le Diphetho tsa ho Ithuta.
Kgaolo ya 3, Diphetho tsa ho Ithuta, Maemo a Tekanyetso, Dikahare le Maemo a tse ithutwang: Kgaolo ena e fupere Diphetho tsa ho ithuta tse tsamaisanang le Maemo a Tekanyetso a tsona, mmoho le dikahare le Maemo a tse ithutwang ka sepheo sa ho fihlella Maemo a Tekanyetso.
Kgaolo ya 4, Tekanyetso: Kgaolo ena e hlalosa dintlha tsa motheo tseo tekanyetso e itshetlehileng hodima tsona, mme e nehelana ka ditlhahiso mabapi le ho rekota le ho etsa tlaleho ka Tekanyetso. Hape e nehelana ka lenane la ditlhaloso tsa bokgoni thutong.
Lenanetlhaloso la mantswe: Moo ho kgonahalang, ho hlalositswe ka bokgutshwane lenane la mantswe a itseng hammoho le mantswe a ikgethileng thutong.
Lenanetsamaiso la ho ithuta le hlalosa ka ho kgetheha tekanyo ya ho ithuta le tekanyetso ya dikereite tse tharo tsa mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang. Ke moralo o netefatsang hore baithuti ba ipapisa le Diphetho tsa ho ithuta jwalo ka ha di beilwe maemong a Tekanyetso kereiting e itseng. Tataiso tsa Lenanetsamaiso la ho Ithuta di thusa matitjhere le bahlahisi ba bang ba mananetsamaiso ha ho lokisetswa le ho ralwa ho ithuta ho nang le boleng, ho ruta le mananetsamaiso a tekanyetso.
Puo ke sesebediswa seo ka sona re buisanang le ho hlahisa mehopolo ya rona ka yona. Ka puo re kgona ho hodisa le ho totobatsa ditso le dikamano tsa rona tsa ho phela tse fapaneng. Ho ithuta ho sebedisa puo ka nepahalo ho neha baithuti bokgoni ba ho nahana le ho amohela tsebo, ho itsebahatsa le ho utlwahatsa maikutlo le mehopolo ya bona esita le ho phedisana mmoho le ba bang, ho feta moo le ho tsamaisa maphelo a bona ka tshwanelo lefatsheng leo ba phelang ho lona.
Ho ya ka phapano ya ditso le ya dipuo tse teng Aforika Borwa, baahi ba naha ena ba kgothaletswa ho ithuta le ho buisana ka dipuo tse buuwang ka hara naha ho hlohlelletsa mamellano le kutlwisiso le tlhompho ya ditso le dipuo tse fapaneng. Phapano e teng dipuong tsa Aforika Borwa e amohetswe le ho tlotlwa Molaotheong wa naha ka ho amohela dipuo tsa semmuso tse 11 le Leanong la Puo Thutong la ho tseba dipuo tse ngata. Baithuti ba tlameha ho kenyeletsa bonyane dipuo tse pedi mokgeng wa dithuto tse Tlamang mme dipuo tse ding di ka kgethwa ho tswa mokgeng wa dithuto tsa Motheo le/kapa ho tsa Boikgethelo.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, tsebo e tebileng ya puo ya lapeng ya baithuti e a hodiswa le ho ntshetswa pele, mme e ba neha motheo o tiileng wa ho ka ithuta puo tse ding tseo e seng tsa lapeng. Ha baithuti ba fihla kereiting ya 10, ho ka etsahala hore ba tla be ba se ba ile ba utulla le ho ba le boiphihlelo bo itseng ba dipuo tsa tlatsetso, mme ba bang ba bona ba tla be ba se ba ile ba sebedisa puo ya tlatsetso ho ka ithuta. Kharikhulamo ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang e neha baithuti menyetla ya ho matlafatsa le ho ntshetsa pele bokgoni ba dipuo tse ngata. Ha baithuti ba ntse ba nyoloha le dikereite, ho hlokeha hore ba sebedise puo ka tsela e bontshang boitsebelo ba ho ikutlwahatsa le nepahalo ya puo bo eketsehileng maemong a fapaneng. Ba lokela ho ba le boikarabelo ho ithuta le ho sebedisa bokgoni ba bona ba puo ka tsela e phepetsang le e rarahaneng.
Boitemohelo bo fapaneng bo a hlokeha ba ho ba le seabo setjhabeng, mosebetsing mmoho le moruong wa lefatshe ka bophara wa ngwahakgolo wa 21, bo atolohile haholo ebile ha bo sa kenyeletsa feela ho mamela, ho bua, ho bala, ho ngola le neheletsano/phethelo ya molomo tsa boholoholo. Bo se bo kenyeletsa boitemohelo ho tsa phatlalatso, tsa ditshwantsho, tsa tlhahisoleseding, dikhomputara, tsa setso, le boitemohelo ho tse sekasekang. Kharikhulamo ya Dipuo e lokisetsa baithuti diphepetso tseo ba tla shebana le tsona jwalo ka baahi ba Aforika Borwa le ditho tsa moruo wa lefatshe le setjhaba ka bophara ba lefatshe.
Ho atolosa le ho matlafatsa ka botebo bokgoni bo tebileng ba puo bo theilweng mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, ho kenyeleditswe bokgoni ba puo bo sa bonweng ka mahlo, empa bo hlokehang ho ithuta ho tloha sehlopheng se seng ho isa ho se seng, mmoho le kananelo ya botle dingolweng le ho natefelwa ke dingolwa, e le hore baithuti ba kgone ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ka boitshepo. Bokgoni le mokgwa ona wa ho tadima ditaba di bopa motheo wa ho ithuta ka dinako tsohle.
Ho sebedisa puo maemong a bophelo ka tshwanelo ho nketswe hloohong basebedisi ba bang ba puo, maikemisetso le maemong ao/boemong boo ho rutwang ntlha e itseng ka bona.
Ho ikutlwahatsa le ho tiisa mehopolo, le dikgopolokutlwisiso le maikutlo ka boitshepo e le hore ba be le boikemelo le hore e be batho ba kgonang ho nahana ka tsela e batsi.
Ho sebedisa puo le monahano ho bontsha le ho sibolla boiphihlelo ba botho. Ka ho sebetsana le ditema tsa boiqapelo, baithuti ba kgona ho bontsha tsela eo ba phelang ka yona le boiphihlelo ba bona esita le ho lekola botjha maikutlo a mang a lefatshe.
Ho sebedisa puo ho fihlella le ho laola tlhahisoleseding ho ithuta dithuto tse ding ka ho fapapana ka ditsela tse batsi maemong a ho ithuta. Boitemohelo tlhahisoleseding ke bokgoni ba bohlokwa 'mehleng ena ya tlhahisoleseding', mme bokgoni bona ke tshiya ya ho ithuta ka nako tsohle.
Ho sebedisa puo e le sesebediswa sa ho nahana le ho tadima ditaba ka tshekatsheko. Maikemisetso ana a bontsha le ho ananela hore tsebo e botjwa ke setjhaba ka puo le phedisano le hore puo le momahano di tsamaisana mmoho.
Ho utlwahatsa mehopolo e tiisitsweng ho tsa boitshwaro le kamano setjhabeng. Ho ka hodisa le ho ntshetsa pele tsela ya boitshwaro baithuting, baithuti ba lokela ho sebetsana le ditema tse amanang le ditokelo tsa botho, hara tsona tse kang ditokelo tsa bana, tsa basadi, ba sa itekanelang, ba tsofetseng le dintlha tse amang semorabe, setso, tumelo e theilweng hodima monahano, tlhophiso ya batho ho ya ka maemo a bona, tumelo, bong, lefu la LKB le KHM, ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi le thibelo ya diphatlalatso mmoho le tsa tikoloho.
Ho lekola ka tshekatsheko ditema tse fapaneng. Baithuti ba tla elellwa mme ba kgone ho phepetsa mehopolo, makgabane le dikamano tse itshetlehileng matleng a itseng tse fuperweng mefuteng ya ditema.
Ho elellwa ho se lekalekane ho teng maemong a dipuo tse fapaneng le ditsela tse fapaneng tsa ho sebedisa dipuo. Baithuti ba tla kgona ho phepetsa puo le ha e le tshebediso ya mofuta wa puo efe kapa efe e iketsang mmampodi hara dipuo tse ding, mme ba kgone ho eteletsa le ho ntshetsa pele tokelo ya bona ya puo setjhabeng sena se dipuo di ngata.
Ho rutwa le ho etswa ha tekanyetso dipuong ho lokela ho nehelana ka sebaka baithuting bohle, mme mawa a lokela ho fumanwa ao ka ona baithuti bohle ba ka thuswang ho ka fihlella le ho hlahisa ditema puong. Ho ka etsahala hore ba bang ba baithuti ba nang le ditshita tse itseng tsa ho ithuta ba se kgone ho fihlella Maemo a Tekanyetso jwalo ka ha a hlahella tokomaneng ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha.
Mantswe ana 'hlalosa', 'tshehetsa', 'bolela', pheta hlalosa ka tsela e nngwe, a hao', 'bua', 'ere', 'buisana hlalosa', botsa' le 'qoqa' a lokela ho utlwisiswa ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya puisano ho sebediswa mantswe le moo ho sebediswang ditshwantsho, ho kenyeleditswe le puo e sebedisang matsoho esita le dithusapuo tse ding. Ka tsela e jwalo lentswe 'puo ya molomo' le kenyeletsa le puisano tse etswang ka matsoho le disebediswa tse thusang ka puisano.
Mantswe a kang 'mamela', 'sheba', 'bala', le 'boha', ho kenyeleditswe mekgwa yohle ya kgokahano e kang ho utlwisisa se bolelwang ka ho tadima ka moo motho ya buang a tsamaisang dipounama ka teng le ho tadima puo ya matsoho.
Baithuti ba nang le tshita ya ho bona ba ka hloka disebediswa le dibuka tse ka nkang sebopeho sa mongolo wa Braille, disebediswa tse kang dithaeperekoto, mongolo wa ditlhaku tse kgolo, disebediswa le ditshwantsho tse ka balwang ka ho thetswa. Mohopolo wa 'ho bonahatsa' o ka hlaloswa kapa wa hlaloswa ka diketso. Ha ho 'balwa,' ho ka sebediswa mehlodi e kang Braille le dibuka tse buang.
Ditatemente tsa dithuto tsa Puo ya Lapeng, tsa ya Tlatsetso ya Pele le tsa ya Tlatsetso ya Bobedi di ka fetolelwa dipuong tse ding tsa matjhaba tse dumeletsweng, mme dipuo tseo di ka rutwa tlasa Dithuto tse Hlokolosi kapa tsa Boikgethelo mekgeng ya Kharikhulamo.
Puo ya Lapeng: Puo ya Lapeng ya baithuti e lokela ho matlafatswa le ho ntshetswa pele ho nehelana ka motheo o matla tekong ya ho ithuta dipuo tse ding tsa tlatsetso. Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, dipuo tsa semmuso tsa Aforika Borwa di na le Diphetho tsa ho Ithuta tsa Puo ya Lapeng tsa boemo bo hodimo, tsa maemo a ka bapiswang le a botjhabatjhaba. Hona ho tsamaisana le dipehelo tsa molaotheo tse supang tekatekano ya dipuo tsohle tsa semmuso. Boemo ba kutlwisiso ba puo ya lapeng bo lokela hore bo be bo le moo puo ena e ka sebediswang jwalo ka Puo ya ho Ruta le ho Ithuta. Bokgoni ba ho mamela le ho bua bo boela bo ntshetswa pele le ho ntlafatswa, empa kgatello boemong bona e hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho bala le ho ngola ba baithuti.
Puo ya Tlatsetso ya Pele: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Pele ho ntshetsa pele tsebo ya dipuo tse ngata (botemengata) le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang.
Aforika Borwa. Hona ho kenyeletsa le bokgoni ba tshebediso ya puo bo kgopolong ba ho utlwisisa le ba ho ithuta, bo hlokehang ho nahana le ho ithuta. Sena se etsahala dipuong tsohle tsa semmuso. Ho tla ba le kgatello e lekanang hodima bokgoni ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola.
Puo ya Tlatsetso ya Bobedi: Ho ithuta Puo ya Tlatsetso ya Bobedi ho ntshetsa pele tsebo ya puo tse ngata (botemengata) mmoho le ho ba le boitemohelo ditsong tsa ba bang. Le ha bokgoni ba ho bala le ho ngola bo se bo ntsheditswe pele, boemong bona kgatello e lokela ho behwa hodima ntshetso pele ya bokgoni ba ho mamela le ho bua. Kgato eo Puo ya Tlatsetso ya Bobedi e leng ho yona ho lokela ho ntlafatsa bokgoni ba ho buisana.
Karolong ya Dithuto tse Tlamang ya mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Tswellang, baithuti bohle ba tlameha ho nka dipuo tsa semmuso tse pedi, e nngwe ya dipuo tseo e be Puo ya Lapeng ha e nngwe e lokela ho ba boemong ba Puo ya Tlatsetso ya Pele kapa ba Puo ya Lapeng. E nngwe ya dipuo tsena e tlameha ho ba Puo ya ho ithuta le ho ruta. Mekgeng ya dithuto tseTlamang le ho tsa Boikgethelo, puo tsa semmuso di ka nkuwa e le Puo ya Lapeng, Puo ya Tlatsetso ya Pele le/kapa e le Puo ya Tlatsetso ya Bobedi baithuting ba nang le thahasello e ikgethang dipuong le ntshetsong pele ya botemengata.
Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Akaretsang, dipuo di etswa tlasa Lekala la ho ithuta la Dipuo, Mokgahlelong wa Thuto le Thupello e Tswellang, Lekala la ho ithuta la Dipuo le hokanngwa le lekala la tlhophiso la Lekgotla la Taolo ya Borutehi la Aforika Borwa: Dithuto tsa Kgokahano le Dipuo.
bokgoni ba puo ba ho mamela, ho bua, ho bala le ho ngola ke metheo ya ntshetso pele ya Diphetho tsa ho Ithuta; le tshebediso ya mefuta e batsi ya ditema e neha baithuti menyetla ya ho batlisisa dintlha tse ba amang, tse amang naha ya bo bona esita le tse amang lefatshe ka bophara le ho bopa tsebo e holang ya lefatshe.
Ho ithuta dipuo ho lebisa mesebetsing e amanang le dipuo haholo, jwalo ka boqolotsi ba ditaba, phetholelo ya dipuo, ho ruta dipuo, ho phatlalatsa le ho bapatsa, boemedi ba naha naheng e nngwe, jwalojwalo. Le ha ho le jwalo, ho totobetse hore dipuo ke tsona motheo wa ho ithuta, e seng feela bophelong ba ka mehla empa esita le dibakeng tsa tshebetso. Ntshetso pele ho tsa kgwebo ho itshetlehile haholo hodima bokgoni ba puo ba moithuti. Ho kena ha moithuti lefatsheng lena la thekenoloji e hodimo ya kajeno, ho laolwa ke boiphihlelo ba hae ba puo. Puo ke thuto eo e leng motjha o lebisang ho kgetheng seo moithuti a lakatsang ho ba sona, mme haeba e rutwa ka bofokodi e ba le tshita e kgolo kgethong ya seo moithuti a lakatsang ho ba sona hamorao.
Litheresi ke motheo wa ho kgona ho phetha mesebetsi ya letsatsi le letsatsi, mme e na le seabo bokgoning ba moithuti ho tsa bophelo, e leng a se hlokang bophelong ba lefatshe. Puo ke sesebediswa se ka nolofaletsang moithuti maemo a dikamano tsa hae le batho sebakeng se haufi le yena setjhabeng, mme mokgwa oo ho sebetsanwang le puo ka ona o laola katleho kapa ho hloleha ha dikamano dipakeng tsa batho.
Tekanyo le maikemisetso tse hlalositsweng ka hodimo di tlamahantswe hammoho ho hlahisa Diphetho tsa ho ithuta tse nne. Le ha di ngotswe di arohantswe, di lokela ho nyalanngwa ha di rutwa le ha ho lekanyetswa.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba le maemo a fapaneng.
Baithuti ba utlwisisa hore ho bua le ho mamela ke ketsahalo tsa phedisano tse etsahalang maemong a itseng le ka maikemisetso a fapaneng esita le ho baamohedi ba ditaba le hore mefuta ya neanotaba ya molomo mmoho le puo e sebediswang maemong a itseng, di fapana ho ya ka maemo. Ba elellwa le ho sebedisa mefuta ya neanotaba ya molomo le puo ya maemo a itseng maemong ao e leng a semolao le ho ao e seng a semolao.
Ho mamela le ho bua ke tshiya e matla ya ho ithuta dithuto tsohle. Ka ho mamela le ho sebedisa mawa a ho bua ka hloko, baithuti ba kgona ho bokella le ho kopanya tsebo, mme ba kgone ho ikahela boitsebelo, ba rarolle mathata, le ho ka tseba ho hlahisa mehopolo le maikutlo a bona ka bokgoni. Ho mamela ka hloko le ka tshekatsheko ho neha baithuti bokgoni ba ho elellwa makgabane le tjhebo ya ditaba, tse patehileng ka hara mefuta ya ditema esita le bokgoni ba ho phepetsa puo e kgethang lehlakore mmoho le e hlohleletsang.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
Bokgoni bo theilweng hantle ba ho bala le ho boha ke tshiya ya ho ithuta dithuto tsohle ka katleho, esita le ho ba le seabo se phethahetseng setjhabeng le dibakeng tsa tshebetso. Baithuti ba bopa le ho hodisa bokgoni ba ho bala le ho boha mefuta ya dingolwa tsa boiqapelo le tse sa ngolwang, ho kenyeleditswe ditema tse tadingwang feela ho iphumanela tlhahisoleseding. Baithuti ba elellwa ka moo mefuta ya dingolwa le tshebediso e tshwanetseng ya puo di totobatsang maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo a ditema ka teng.
Baithuti ba sebedisa maano a fapaneng a ho bala le ho boha ho itshetlehuwe haholo hodima sepheo sa bona sa ho bala mmoho le mofuta wa tema eo ba e balang. Ba hlahisa le ho totobatsa mefuta ya ditema, ba hlwaya tsa boitshwaro setjhabeng le dikakanyo, mme ba araba ka tshekatsheko. Ka ho bala le ho boha, baithuti ba batlisisa le ho bontsha dikamano le phedisano dipakeng tsa bona le diphedi tse ding. Ho bala dingolwa tsa boiqapelo ho neha baithuti malebela a hore le bona ba ngole.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka maikemisetso a batsi a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
Ho ngola ke sesebediswa se matla sa puisano se dumellang moithuti ho ka bopa mehopolo le ho hlahisa maikutlo a hae ka tsela e hokahaneng. Tlwaelo ya ho ngola e etswang kgafetsa, mme e etswa maemong le meelelong e fapafapaneng ka mesebetsi e itshetlehileng hodima dihlopha tsa dithuto tse fapaneng, e neha baithuti bokgoni ba ho ikutlwahatsa ka tshwanelo le ka boiqapelo. Morero ke ho hlahisa mongodi ya kgonang ho ka ngola ka sena le sane. Ya sebedisang bokgoni ba hae ho hlahisa ditema tse ngotsweng ka maikemisetso a fapaneng, ho kenyeleditswe tse bonwang le ho ya ka mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Ka ho sebetsana le mefuta e fapaneng ya ditema, baithuti ba eketsa le ho atolosa tsebo le tshebediso ya bona ya tlotlontswe, mmoho le ho kenya tshebetsong kutlwisiso ya dibopeho tsa puo ka tshwanelo le ka nepahalo. Ba ba le boitemohelo bo hlokolosi ba ka moo makgabane le matla a maemo tse kenyeleditsweng puong, le hore puo e ka ba le tshusumetso e jwang bathong ba bang.
ditaba le maemo a fapaneng.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba ditaba le maemo a fapaneng.
sebedisa bokgoni ba ho buisana ka ho botsa dipotso le ho etsa tlaleho hodima tseo ba iphumanetseng tsona.
sebedisa bokgoni ba ho buisana ka tsela ya ho botsa dipotso le ho etsa tlaleho ka tshehollo hodima tseo ba iphumanetseng tsona moo ho lokelang.
sebedisa bokgoni ba ho buisana ka tsela ya ho botsa dipotso le ho etsa tlaleho ka tshehollo hodima tseo ba iphumanetseng tsona moo ho lokelang.
ditaba le maemo a fapaneng.
hlwaya le ho kgetha dibopeho tsa ditema, tlotlontswe, dikarolo le ditlwaelo tsa tsebediso ya puo tse loketseng.
lokisa dilelekela le diqetelo ka tsela e phethahetseng.
kenyeletsa disebediswa tse thusang thuto tse loketseng tse bohuwang, tse mamelwang, le tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphousetara, dinepe, ditshwantsho, diselaete mmino, modumo le disebediswa tsa eletoroniki.
kenyeletsa disebediswa tse thusang thuto tse loketseng tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphosetara, dinepe, diselaete ditshwantsho, mmino, modumo le disebediswa tsa eletoroniki.
kenyeletsa disebediswa tse thusang thuto tse loketseng tse bohuwang, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong tse kang ditjhate, diphosetara, dinepe, diselaete ditshwantsho, mmino, modumo le disebediswa tsa eletoroniki.
Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka boikutlwahatso: maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba hlwaya le ho sebedisa dibetsa tsa bonono le ditaba le maemo a fapaneng.
mamela ka tshetshefo le ho araba dipotso tse hlokang tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho araba dipotso bakeng sa tlhakisetso.
mamela ka tshetshefo le ho arabela dipotso bakeng sa tlhakisetso.
bontsha temoho e hlokolosi ya tshebediso ya puo maemong a dipuisano tsa molomo: Moithuti o kgona ho mamela le ho bua ka sebedisa le ho lekola setaele le rejistara tse maikemisetso a fapaneng, le ho ya ka baamohedi ba tsamaelanang le maikemisetso, baamohedi ditaba le maemo a fapaneng.
elellwa le ho phepetsa puo e totobetseng e fehlang maikutlo le puo e nang le tshutshumetso, puo e leeme, e nang le tshekamelo, e tadimang dintho ka lehlakore le le leng feela jwalo ka poropaganda le dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e patehileng e fehlang maikutlo le puo e nang le tshusumetso, puo e leeme, e nang le tshekamelo le ho tadima dintho ka lehlakore le le leng feela jwalo ka propaganda le dipapatso.
elellwa le ho phepetsa puo e patehileng e fehlang maikutlo le puo e nang le tshusumetso, e leeme, e nang le tshekamelo le ho tadima dintho ka lehlakore le le leng feela jwalo ka propaganda le dipapatso.
esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho botsa dipotso e le ho ka etsa dikakanyo;le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
bala hape, ho boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho matlafatsa kutlwisiso.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho matlafatsa kutlwisiso.
bala hape, boha hape le ho boeletsa seo a se badileng/bohileng ka sepheo sa ho matlafatsa kutlwisiso.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso bohuwang, tse mamelwang, le tse mamelwang le esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho ho bohuwa hong: le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
nehelana le ho tshehetsa dikarabelo tsa hae tse qholoditsweng ke ditema.
nehelana le ho tiisa dikarabelo tsa hae tse qholoditsweng ke ditema ka ho itshepa.
nehelana le ho tiisa dikarabelo tsa hae tse qholoditsweng ke ditema ka ho itshepa.
esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho lekola makgabane, tjhadimo le ditumelo tse le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
hlalosa kamoo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang ka teng.
sekaseka ka moo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang ditemeng ka teng.
sekaseka ka moo leeme, tshekamelo le kgethollo di hlahellang ka teng ditemeng le tsela eo di amang moelolo ka yona.
utulla dibopeho tsa sehlooho tsa ditema le ho hlalosa kamoo di phehisang tlhahisong ya Moithuti o kgona ho bala le ho boha ka kutlwisiso moelelo (dintlha tsena di se sebetswe ka esita le ho fana ka tshekatsheko e hlokolosi, mmoho bonngwe): le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
hlwaya le ho hlalosa tshusumetso ya tshebediso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta o itseng wa mongolo le boholo, dihlooho le dihloohwana.
hlwaya maikutlo a temana/sengolwa, nako le diqetello.
hlwaya le ho lekola tshusumetso ya tshebediso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta wa mongolo le boholo, dihlooho le dihloohwana ditemeng.
hlwaya le ho lekola tshusumetso ya tshebediso ya dithekeniki tse kang tshebediso ya mofuta wa mongolo le boholo, dihlooho le dihloohwana ditemeng.
le ho arabela mefuta e batsi ya ditema.
hlwaya sebopeho sa diketsahalo le ho hlalosa ditlhophiso tsa kalaneng.
hlalosa ka moo molathothokiso, temanathothokiso, morumo/raeme, morethetho le matshwao a puo di bopang moelelo ka teng.
sekaseka ka moo molathothokiso, temanathothokiso, morumo/raeme, morethetho le matshwao a puo di bopang moelelo ka teng.
baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le hlwaya baamohedi ba ditaba bao a ba dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
sebedisa dielemente tse bonwang le tsa ho rala tse kgethilweng ka tshwanelo.
sebedisa mefuta e fapaneng ya dielemente tse bonwang le tsa ho rala tse kgethilweng ka tshwanelo.
sebedisa mefuta e batsi e fapaneng ya dielemente tse bonwang le tsa ho rala tse kgethilweng ka tshwanelo.
baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le etsa boiteko ba ho hlahisa sebopeho le dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
sebedisa makopanyi, maemedi le mahlalosi ho tiisa momahano ditemeng.
sebedisa makopanyi, maemedi, le mahlalosi ho bopa le ho tiisa momahano.
sebedisa makopanyi, maemedi le mahlalosi ho bopa le ho tiisa momahano.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng: maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka sebedisa tsela e behilweng ya ho lekola baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le mosebetsi o ngotsweng wa hae le wa ba dibopeho tse loketseng maemo a fapaneng.
Moithuti o kgona ho ngola le ho nehelana ka maikemisetso a batsi a fapaneng le ho ya ka baamohedi ba ditaba a sebedisa ditlwaelo le dibopeho tse loketseng maemong a arohaneng.
nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng a etse hloko setaele se loketseng se kang nehelano ya tema e makgethe kapa phousetara e hohelang e bileng e le mebalabala.
nehelana ka sehlahiswa sa phethetsweng a etse hloko setaele se loketseng se kang nehelano ya tema e makgethe kapa phousetara e hohelang e bileng e le mebalabala.
nehelana ka sehlahiswa sa phethetsweng a etse hloko setaele se loketseng se kang nehelano ya tema e makgethe kapa phousetara e hohelang e bileng e le mebalabala.
tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho sebedisa tsebo ya dipaterone tse phethahala.
sebedisa kgetho ya mahlalosonngwe, malatodi, maadingwa, mmoho le lentswe bakeng sa polelwana ka nepahalo.
sebedise mefuta e fapaneng ya mahlalosonngwe, malatodi, maadingwa, le lentswe le le leng bakeng sa polelwana ka nepo.
sebedisa mefuta e batsi e fapaneng ya mahlalosonngwe, malatodi, maadingwa lentswe le le leng bakeng sa polelwana.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tshebediso ya puo ya kamehla: tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho hlwaya ditho tsa puo tse kang maetsi, phethahala.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho phethahala.
sebedisa mekgabisopuo e kang maele, dikapolelo/dikamaele le dipolelo tsa bohlale ka tshwanelo.
sebedisa mekgabisopuo e kang maele, dikapolelodikamaele le dipolelo tsa bohlale ka tshwanelo.
sebedisa mefuta e batsi ya mekgabisopuo e kang maele, dikapolelo/dikamaele le dipolelo tsa bohlale ka tshwanelo.
Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolo le ditlwaelo tsa tshebediso ya puo ka tshwanelo le ka ho phethahala.
hlwaya le ho phepetsa puo e nang le tshekamelo, e tadimang dintho ka lehlakore le le leng feela, le puo e phahamisang maikutlo, e susumetsang le e hlohleletsang, le ho hlahisa tsela tse fapaneng tsa ho ikutlwahatsa.
hlwaya le ho phepetsa puo e nang le tshekamelo, e tadimang dintho ka lehlakore le le leng feela, puo e phahamisang maikutlo, le e susumetsang le e hlohleletsang, le ho hlahisa tsela tse fapaneng tsa ho ikutlwahatsa.
hlwaya le ho phepetsa puo e nang le tshekamelo e patehileng, e tadimang ditaba ka lehlakore le le leng feela, puo e phahamisang maikutlo, e susumetsang, e hlohleletsang, le ho hlahisa le ho kgothaletsa ditsela tse fapaneng tsa ho ikutlwahatsa.
Karolong ena ho nehelanwe ka dikahare le maemo a ho ithuta ho thusa ho fihlella Maemo a Tekanyetso. Dikahare tse bontshitsweng di lokela ho ka sebetswa ka tsela e tla thusa baithuti ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Dikahare di lokela hore di thuse phihlellong ya Diphetho tsa ho Ithuta mme e se be qetelo ka botsona. Maemo a ho ithuta a sisintsweng a tla thusa hore dikahare di kenyeletswe maemong a tla bang le moelelo ho baithuti ho ithuteng le ho rutweng. Titjhere e lokela ho hlokomela le ho sebedisa maemo a selehae, le ha e se a bontshitsweng mona, ha feela a tsamaelana le boiphihlelo ba baithuti. Dikahare le maemo a ho ithuta, ha di hlophiseditswe ho ka fihlella Maemo a Tekanyetso, di nehelana ka moralo wa tlhahiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta. Tataiso ya Lenanetsamaiso la ho Ithuta e nehelana ka dintlha tse feletseng mabapi le sena.
Ha lentswe lena, 'tema' le sebediswa Setatementeng sa Thuto ya Dipuo le na le moelelo o batsi oo re ka nahahang ka ona, o kenyeleditseng tsa nehelano ya molomo, tse ngotsweng, tse mamelwang, tse bohuwang le ho mamelwahong le mefuta e fapaneng ya dipuisano. Ho rutweng ha dipuo tsohle, ditema di lokela ho sebediswa e le moo ho qalwang teng, mme mefuta e itseng ya ditema e ka hlahiswa e le ditholwana tsa tshebetso. Ka tlhahiso ya ditema tse ntseng di thatafala le maemo ho tloha kereiting ya 10 ho isa kereiting ya 12, Maemo a Tekanyetso a loketseng a bontsha kgolo le tharahano. Ditema tse bonolo le tse thatafetseng ka bobedi ke motheo wa kgolo le tswelopele dipuong tsohle.
Ha ho le jwalo, ditema ke mehlodi ya bohlokwa ya 'dikahare le maemo a tse ithutwang' ho ruta le ho ithuta puo ka tsela e hokahaneng le jwalo ka ha e sebediswa.
mefuta e fapaneng ya ditaele le disebediswa tsa setaele, tse jwalo ka mefuta e batsi ya puo ya papiso le ya boqapi.
Mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehileng ditemeng le mokgwa wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa bobedi di itshetlehile tshebedisong le tlhalosong ya ditema e tswelang pele.
Mokgwa wa ho ithuta puo o theilweng ditemeng o tadima tsela eo ditema di ka sebediswang ka teng. Maikemisetso ka ho sebedisa mokgwa ona o itshetlehileng tshebedisong ya ditema ke ho thusa baithuti ho ba le bokgoni, ho itshepa le ho ba neha bokgoni ba ho bala ka tshekatsheko, ho ba bangodi, babohi le ho tseba ho rala ditema. Hona ho kenyeletsa ho mamela, ho bala le ho sekaseka sepheo sa ho utlwisisa hore di hlahisitswe jwang le hore tshusumetso ya tsona ke efe. Ka ho sebetsana le ditema ka tsela ena e sekasekang, baithuti ba ntshetsa pele bokgoni le tsebo ya ho lekola ditema ka tshekatsheko. Mokgwa ona o theilweng ditemeng o kenyeletsa le tlhahiso ya mefuta e fapaneng ya ditema ka maikemisetso a itseng mmoho le baamohedi ba ditaba. Mokgwa ona o itshetlehile kutlwisisong ya hore ditema di hlahiswa le ho botjwa jwang.
Mokgwa wa ho ruta puo jwalo kaha e sebediswa o supa hore ho ithuteng puo, moithuti o tshwanetse ho nehwa nako le sebaka se sengata mmoho le menyetla e mengata ya ho kenya tshebetsong kapa ho hlahisa puo eo e leng ya hae ka ho bua maemong a phedisano le a tshebediso ya letsatsi le letsatsi. Ho ithuta puo ho lokela ho etswa ka tlhaho, ho etswe maemong a lokolohileng moo ho seng melawana e itseng, mme maemo ana a lokela ho fetisetswa ka phaposing moo bokgoni ba ho bala / boha le ho ngola / ba nehelano bo tlang ho ithutwa ka tlhaho - baithuti ba bala le ho ithuta ka ho etsa kgafetsa mosebetsi wa ho bala le ho ithuta ho ngola ka ho etsa mosebetsi o mongata o ngolwang. Ka hoo, ho totobetse hore mokgwa ona wa ho ithuta puo jwalo ka ha e sebediswa le mokgwa wa ho ithuta puo o itshetlehile ditemeng. Hape, o itshetlehile mokgwatshebedisong o tswellang ka nako tsohle le tlhahiso ya ditema.
Ditema di hlahiswa tlasa maemo a itseng le ka maikemisetso a itseng, mme ho tadinngwe haholo basebedisi kapa baamohedi ba ditema. Mekga e fapaneng ya ditema e na le mesebetsi e fapaneng mme e latela ditsela le ditlwaelo ho ya ka sebopeho, setaele, kwahollopuo, tlotlontswe le dikahare. Mekga ena e bitswa ka hore ke mefuta ya dingolwa. Baithuti ba lokela ho nehwa bokgoni ba ho ka utlwisisa le ho hlahisa mefuta e fapaneng ya ditema.
Ka lehlakoreng le leng, ditema ke diipone tseo ka tsona ho totobatswang maemo a setso le a sepolotiki a sebaka seo di ngollwang ho sona. Puo e sebediswang ditemeng e jere molaetsa o supang ntlhakemo e itshetlehileng hodima maemo a setso le a sepolotiki a motho ya di ngotseng kapa ya di radileng. Ho ke ke ha thwe ditema ha di nke lehlakore ke hona. Baithuti ba lokela ho ba le bokgoni ba ho fihlella moelelo le ho arabela dintlha tse amang tsa boitshwaro le maikutlo kapa tjhadimo e itseng ya ditaba ditemeng.
Ka hoo, puo e lekolwa ditemeng ka nako tsohle, mme ditema le tsona di lekolwa ho ya ka dikahare tse fuperweng. Mokgwa ona o kenyeletsa le ho lekola semmuso dintlha tsa puo (kwahollopuo le tlotlontswe) empa jwalo ka kgetho e itshetlehileng kahlamelong ya tsona ditemeng, ka hoo di se etswe e le tsona feela ka ho ikemela. Hore ba kgone ho bua ka ditema, baithuti ba hloka 'puo e sebediswang ho hlalosa puo' eo ba ithutang yona - ba hloka mantswe a puo eo ho ka hlalosa dintlha tsa kwahollopuo tse fapaneng, tlotlontswe le setaele, le ho bua ka mefuta ya dingolwa.
Ditema di ka arolwa ka mekga ena; ditema tse sebediswang le ditema tse hlahiswang. Tsona di hlaloswa ka botlalo lenaneng lena le latelang. Lenane lena le ke ke la kenyeletsa mefuta yohle ya ditema - titjhere e dumelletswe ho ka eketsa lenaneng lena ka mefuta ya ditema tse ka sebediswang ho ka ruta ka mokgwa ona o hokahantsweng wa ho ruta. Maikemisetso ka lenane lena ke ho neha titjhere kgetho e batsi ya ditema tse ka sebediswang le tse ka hlahiswang. Dintlha ka botlalo tse hlokehang mabapi le boleng le ho rarahana ha ditema le tshebediso ya mantswe a loketseng, di hlahella Lenanetataisong la ho Ithuta.
Mefuta e meng ya dingolwa e lokelang ho etswa dikereiting tsa 10 ho isa ho 12 e kenyeletsa ditema tse sebediswang kgokahanong ya ka mehla, tse sebediswang ha ho lekolwa se itseng, tsa boiqapelo, tse mamelwang, tse mamelwang le ho bohuwa hong, le tsa diphatlalatso tsa mefutafuta. Kgetho e batsi ya ditema e lokela ho sebediswa mokgweng ona o akaretsang wa ho ruta ka mokgwa o hokahantsweng nakong ya dilemo tse tharo.
Ditema tse sa tlameng empa tse reretsweng ho matlafatsa: Papadi ya ho etsisa, ho pheta pale, ditaba tsa radio le thelevishine, tshwantshiso ya radio le thelevishine, dipuisano tsa dihlotshwana (phanele), palekgutshwe ya mong / thothokiso / tshwantshiso, setshwatsho sa boswaswi (khatunu), metlae e etswang ka ditshwantsho, metlae, matshwao, jwalojwalo.
Tekanyetso ke karolo e hlokolosi haholo ya Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha ya Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang). Ke tshebetso eo ka yona ho bokellwang le ho hlalosa bopaki boo ka bona ho ka etswang qeto e hlalosang bokgoni ba moithuti. Bopaki bo ka bokellwa ka dinako le dibakeng tse fapaneng, le ka tshebediso ya mekgwa e fapaneng, disebediswa, tsa phatlalatso, ditsela le maemo.
Ho etsa bonnete ba hore diphetho tsa tekanyetso di ka fumaneha le ho sebedisetswa merero e fapaneng nakong e tlang, sephetho se lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse fapaneng tse ka latelwang tsa ho ngola bokgoni bona ba baithuti. Tse ding tsa ditsela tsena di tla hlaloswa kgaolong ena. Tse ding di tla hlaloswa ka ho otloloha Lenanetataisong la ho Ithuta.
Batho ba bangata ba nang le kabelo thutong ba na le thahasello ya ho tseba hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang Dikereiting tsa 10 - 12. Hona ho kenyeleditse baithuti, batswadi, bahlokomedi ba bana, batshehetsi ba tsa ditjhelete, mafapha a thuto a diporofense, Lefapha la Thuto, Kantoro ya Letona la Thuto, boramosebetsi, le dibaka tsa thuto e phahameng. Ho etsetsa hore bohle ba fihlelle sephetho se akaretsang sa baithuti ha bobebe, le ho etsa diqeto ka bokgoni ba bona, diphetho tsa tekanyetso di lokela ho ngolwa. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa hona. Kgaolong ena, raporoto e etswang qetellong ya mosebetsi kapa qetellong ya nako e itseng, e tla utullwa.
Pele titjhere e ka etsa tekanyetso ya baithuti, ho bohlokwa hore maikemisetso a tekanyetso a qaqiswe ka tsela e utlwahalang e sa ikadimeng meelelo e mengata. Ho utlwisisa seo tekanyetso e ikemiseditseng ho se fihlella ho netefatsa hore ho be teng nyalano e loketseng dipakeng tsa maikemisetso le mekgwa ya tekanyetso, e le hore diqeto le dikahlolo tse etswang di itshetlehe ka tekanyetso, mme e be tse nang le toka, tse loketseng maikemisetso a tekanyetso.
Ho na le mabaka a mangata ao bokgoni ba baithuti bo lokelang ho lekanyetswa. Hona ho kenyeleditse le tekanyetso e etsetswang ho lekola tswelopele le ho nehelana ka tlhahisoleseding e itseng, ho hlahloba kapa ho phekola ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti o na le tsona, e etsetswang kgetho e itseng, e etsetswang tataiso, e etsetsang tshehetso e ka nehwang moithuti, e etsetswang ho nehelana ka lengolo la bopaki mmoho le ho fetisetsa moithuti kereiting e latelang.
Kharikulamong ena, ho ithuta le tekanyetso di hokahantswe haholo. Tekanyetso e thusa baithuti ho lekanya boleng ba ho ithuta ha bona. E neha baithuti lesedi ka tswelopele ya bona le ho ba neha bokgoni ba ho laola le ho etsa diqeto ka ho ithuta ha bona. Ka mokgwa ona, tekanyetso e nehelana ka lesedi le bontshang hore na ho ruta le ho ithuta ho a atleha ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta tse beilweng. Ha tekanyetso e bontsha hore tswelopele e a fokola, maano a ho ruta le ho ithuta a lokela ho fetolwa ka tsela e loketseng.
tekanyetso e ahang moithuti; le tekanyetso e etswang qetellong.
Tekanyetso ya motheo (qalehong) e bohlokwa qalehong ya kereite. E ka etswa le ha e le moo ho qalwang mosebetsi o motjha teng. E sebediswa ho sibolla seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba le ho se kgona pele ba ka qala mosebetsi o motjha. E thusa haholo ho rala diketsahalo tsa ho ithuta mmoho le lenanetsamaiso la ho Ithuta. Ho ngolwa ha dintlha tse hlahiswang ke tekanyetso ena ya motheo e ka ngolwa feela ka mokgwa oo e seng wa semmuso.
Tekanyetso efe kapa efe e ka sebediswa ho ribolla ditshita tsa ho ithuta, ho fumana sesosa kapa disosa tsa ditshitiso kapa ditshita tsa ho ithuta tseo e bang moithuti a ka ba le tsona ho ithuta. Tekanyetso e ribollang ditshita tsa ho ithuta e thusa ho fumana mawa a fapaneng kapa ho ka elellwa dibaka tseo ho tsona moithuti a hlokang ho ka tshehetswa ho tsona kapa tse hlokang pheko. E sebetsa jwalo ka mokgwa wa ho lekola le ho thusa ho rala (polana) botjha maikemisetso a Lenane la ho Ithuta, kapa ho ribolla moo ho ithuta ho sa atlehang teng e le hore ho tle ho fumanwe le ho kenngwa tshebetsong mawa a thibelang sena.
Mokgwa ofe kapa ofe wa tekanyetso o sebediswang ho nehelana ka tlhahisoleseding moithuting o nepahetse tekanyetsong e tsebisang. Tekanyetso e ahang moithuti ke tshiya ya bohlokwa ya ho ruta le ho ithuta. Bohle ba nang le seabo thutong ba sebedisa mofuta ona wa ho lekanyetsa e le ho ka fumana tlhahisoleseding e itshetlehileng tswelopeleng eo baithuti ba e etsang. Tlaleho e ahang ke karolo ya bohlokwa tswelopeleng.
Ha tekanyetso e sebedisetswa ho ka rekota kahlolo kapa bokgoni kapa tsela eo moithuti a sebetsang ka yona, e ba tekanyetso e jwalo e bonwa jwalo ka tekanyetso ya qetellong/mafelong. Tekanyetso e etswang qetellong e nehelana ka kakaretso e feletseng ya bokgoni kapa tswelopele eo moithuti a seng a e entse ka nako efe kapa efe. E ka etswa qetellong ya thuto ka nngwe ka phaposing, qetellong ya karolwana (ya uniti) e itseng ya mosebetsi, qetellong ya sekele ya mosebetsi, qetellong ya kgweditharo, qetellong ya kgweditshelela kapa qetellong ya selemo. Tekanyetso e etswang qetellong e lokela ho lokisetswa mme mawa le disebediswa tsa tekanyetso di lokela ho sebediswa ho neha baithuti bokgoni ba ho supa bokgoni ba bona.
e tsamaiswe le ho fetoha le maemo.
Tekanyetso ya bokgoni ba baithuti e etswang ke matitjhere e lokela hore e be boemong bo hodimo ba ho tshepahala. Hona ho bolela hore diphetho tsa baithuti mabapi le tshebetso ya bona di lokela ho akaretsa le ho kgema le dinako tse fapaneng le dintlha tsa tekanyetso, le ha e ka etswa ke matitjhere a fapaneng. Qeto kapa kahlolo hodima sephetho sa tekanyetso le yona e lokela hore e be ya nnete mme e tshepahale; ke hore, qeto e jwalo e lokela ho itshetleha hodima dintlha tsa ho ithuta tse neng di lekanyetswa.
Ka lebaka la hobane tekanyetso ka boyona e ke ke ya eba ya nnete kapa ya tshepahala ka ho phethahala ka boyona, diqeto tse etswang ka tswelopele ya moithuti di lokela ho itshetleha hodima tekanyetso tse fetang bonngwe. Sena ke motheo wa Tekanyetso e Tswellang. Tekanyetso e tswellang ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto ho ithuteng ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng ha ho ntse ho ithutwa. E ama diketsahalo tsa tekanyetso selemo ho pota, ho sebediswa mefuta e fapaneng ya mekgwa ya tekanyetso e kang diteko, dihlahlobo, diporojeke le diasaenemente. Tekanyetso ya nehelano ya molomo, e ngolwang le e etswang ka matsoho le tsona di kenyeleditswe. Dikarolwana tsa bopaki tse fapaneng tse hlahiswang ke baithuti e le karolo ya tekanyetso e tswellang di ka kenyeletswa photefoliong. Dithuto tse fapaneng di na le dipehelo tse fapaneng tse bontshang se lokelang ho kenyeletswa potefoliyong. Dipehelo tsena di hlaloswa hantle Lenanetataisong la ho ithuta.
Tekanyetso e Tswellang e thehilwe ka phaposing le sekolong, mme e tsepamiswa hodima mokgwa o tswelang pele oo ho ona tekanyetso e hokanyeleditsweng ka hara tshebetso ya ho ruta le ho ithuta. Matitjhere a fihlella ho tseba baithuti ba bona ka ho ba ruta ka mehla (letsatsi le letsatsi), ka ho ba botsa dipotso, ho ba lebella, le ho ba beha leihlo ha ba sebetsa le ho kopakopana ka bobona.
Tekanyetso e Tswellang e lokela ho sebediswa dikarolong tsa kharikhulamo tse lekanyetswang ka ho ngola diteko le diasaenemente le tseo ho tsona ho sebediswang mekgwa ya tekanyetso e meng, e jwalo ka ho bontsha bopaki ba hore moithuti a ka etsa mosebetsi o itseng wa matsoho kapa a bontsha boiphihlelo bo itseng ho tsa molomo.
Diphetho tsa ho Ithuta tsohle mmoho le Maemo a Tekanyetso di pepesitwe. Baithuti ba tseba se lebeletsweng ho bona. Ha ho le jwalo, baithuti ba na le seabo sa bohlokwa ka ho itekanyetsa ka bobona ha ho etswa tekanyetso ka hore ba 'etse tekanyetso ya pele' ya mosebetsi wa bona pele titjhere a ka etsa tekanyetso ya ho qetela. Ho nahanisa le ho lekola tswelopele eo moithuti a e entseng ke karolo ya bohlokwa ya ho ithuta.
Tekanyetso e etswang ke baithutimmoho, ba sebedisa mananenetefatso kapa dikala tsa tekanyetso (diruburiki), e thusa moithuti eo mosebetsi wa hae o lekanyetswang mmoho le ba etsang tekanyetso eo. Ho arolelana hona ha ditsela kapa ditebello tsa ho lekanyetsa ho thusa baithuti ho lekola bokgoni ba bona le bokgoni ba ba bang.
Bokgoni ba ho sebetsa ka katleho le kutlwisisano dihlotshwaneng ke se seng sa Diphetho tse Hlokolosi. Ho etsa tekanyetso ya sehlotshwana ho bolela ho batlana le bopaki bo supang ka ho totobetseng hore e feela sehlotshwana se sebedisana mmoho, se a thusana, se arolelana mosebetsi le ho kopanya diphehiso tse fapaneng tsa ditho tsa sehlotshwana, ho bopa sehlahiswa se le seng se ka lekanyetswang. Tekanyetso ya sehlotshwana e tadimana le tsela ya tshebetso eo baithuti ba e latelang mmoho le se hlahiswang. E kenyeletsa le tekanyetso ya bokgoni ho tsa phedisano, tsamaiso ya nako, tsamaiso ya mehlodi, diphapang le diphapano tsa sehlotshwana, mmoho le se hlahiswang ke sehlotshwana.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho bokella bopaki. E meng ya mekgwa ena e hlaloswa mona ka tlase.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng temohong e atisa ho sebedisa ditsela tse sa totobatswang, mme e re dumella ho rekota bopaki bo fapaneng ba baithuti ka dinako tse fapaneng. Mofuta ona wa tekanyetso hangata o itshetlehile hodima mesebetsi e hlokang hore baithuti ba sebedisane mmoho ho fihlella tharollo kapa sephetho se tshwanang. Ho lokela hore temoho e etswe ka maikemisetso mme e tsamaiswe ka thuso ya se sebediswa se nepahetseng sa ho lemoha.
Tekanyetso e itshetlehileng ditekong e radilwe haholo ka tsela e nehang matitjhere bokgoni ba ho bokella bopaki bo tshwanang baithuting bohle ka tsela e tshwanang le ka nako e le nngwe. Mofuta ona wa tekanyetso o hlahisa bopaki ba ho ithuta bo tiisetswang ka ho fihlella dintlha kapa matshwao a itseng. Ha e sebediswa hantle, diteko le dihlahlobo di dula e ntse e le karolo ya bohlokwa ya kharikhulamo hobane di nehelana ka bopaki ba seo baithuti ba ithutileng sona.
Mekgwa ya tekanyetso e itshetlehileng hodima mosebetsi kapa bokgoni bo reretsweng ho bontsha hore na baithuti ba kgona ho sebedisa tsebo le bokgoni tseo ba ithutileng tsona maemong a sa tlwaelehang kapa a ka ntle ho phaposi ya bona ya ho rutela. Tekanyetso e supang bokgoni e kenyeletsa le karolo ya thuto ya mosebetsi o supang bokgoni ka ho sebedisa matsoho (poratikale), moo ho lekolwang hore baithuti ba hokela jwang teori (tsebo e kgopolong) le se etswang ka matsoho (poratikale). Mokgwa, tsela kapa molao ona oo ka ona mosebetsi o lekanyetswang, o hlaloswa ka tsela ya dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) kapa lenane la ho lekola dintlha, o thusa titjhere ho sebedisa kapa ho hlaha ka kahlolo ya seporofeshenale e supang bokgoni ba baithuti.
Ho rekota le ho etsa tlaleho ho ama le ho kenyeletsa dintlha tse kang ho tshwara dintlha (data) tse bokeletsweng nakong eo ho neng ho etswa tekanyetso ka yona e le hore e tle e lekolwe le ho phatlalatswa ka tsela e nepahetseng le e utlwahalang.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho rekota. Hangata ho batla ho le thata ho totobatsa phapang dipakeng tsa tsela eo ho rekotwang dintlha tsa tekanyetso ka yona, le tsela kapa mokgwa wa ho sekaseka bokgoni ba baithuti.
mananeo a mesebetsi kapa lenanenetefatso; le dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki).
Dikala tsa ho lekanyetsa ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka A kapa B) kapa ntlha (jwalo ka 5/10 kapa 50%) e hlaloswang ka botlalo e le ho hokahanya dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona hore baithuti ba lokela ho di fihlella le tlhaloso ya bokgoni e hlokehang ho fihlella ntlha e beilweng. Tlhaloso e lokelang ho fihlellwa e bohlokwa ho feta dintlha tseo ho dumellanweng ka tsona tshebetsong ya ho ruta le ho ithuta ka ha e neha baithuti mohopolo o hlakileng wa seo ba se fihlelletseng le hore ke ho kae le hore hobaneng ba sa kgona ho fihlella dintlha tse beilweng hodima mosebetsi wa bona. Tsela ya kgale ya ho tshwaya le ho lekola e ne e sebedisa mokgwa wa ho lekanyetsa o neng o sa sebedise tlhaloso ya seo baithuti ba lokelang ho se fihlella, o ne o etsa hore ho be thata ho nehelana ka moelelo wa moo matla kapa bofokodi ba baithuti bo leng teng ho ya ka sepheo sa sephetho. Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dikereiteng tsa 10 - 12 se sebedisa sekala se dikgato tse tsheletseng tsa ho lekanyetsa.
Manane a mosebetsi kapa lenaneo la ho tshwaya le ba le ditatemente tse otlolohileng tse hlalosang bokgoni ba moithuti hodima mosebetsi o itseng. Ha ho hlokomelwa hore moithuti o fihlelletse maemo a itseng a lenaneo la ho tshwaya hodima mosebetsi o neng o entswe, e ba setatemente seo se a tshwauwa ho supa hore moithuti eo o se fihlelletse. Ditatemente tseo kaofela ha di se di tshwailwe ho bolelang hore se neng se batlahala se fihlelletswe ho hlalosa bokgoni ba moithuti. Mananeo a ho lekola mosebetsi a thusa haholo mesebetsing e tshwauwang ke baithutimmoho kapa ke dihlotshwana.
Dikala tsa Tekanyetso tse supang dikgato (diruburiki) ke mefuta ya dikala e hokahantseng dintlha tseo ho dumellwaneng ka tsona mmoho le tlhaloso tsa maemo a lokelang ho fihlellwa. Di bopilwe ka dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang. Ruburiki e hloka hore titjhere e tsebe hantle seo e leng sa bohlokwa le ho hlalosa maemo/matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa. Ho na le mefuta e mmedi ya diruburuki, e akaretsang le e sekasekang mosebetsi ohle. Ruburiki e akaretsang e lekanyetsa karolo ya mosebetsi kapa mosebetsi ohle, ha ruburiki e sekasekang yona e lekola tshekatsheko ya dintlhana kapa dibopeho tse itseng tsa mosebetsi. E ka kenyeletsa dintho tsena ka bobedi. Lenanetataiso la ho Ithuta le nehelana ka mehlala ya diruburiki tsa dithuto ka ho otloloha.
Ke diphetho dife tseo ho ikemiseditsweng ho di fihlella?
Ke Maemo a Tekanyetso afe ao ho ikemiseditsweng ho a fihlella?
Ke bopaki bofe bo lokelang ho fihlellwa?
Ke dikarolo dife tsa bokgoni tse tlang ho lekanyetswa?
Ke disebediswa tsa tekanyetso dife tse loketseng karolo e nngwe le e nngwe ya mosebetsi o lekanyetswang (tse jwalo ka mokgwa wa tshebetso le sehlahiswa se tlang ho hlahiswa)?
Ke tsebo efe e lokelang ho totobatswa bopaking?
Ke bokgoni kapa diketso dife tse lokelang ho sebediswa?
Ke menyetla efe e hlahisetswang moithuti ho ka hlahisa maikutlo, makgabane kapa tjhadimo ya hae ya ditaba mosebetsing oo a o neilweng moo tsena di lokelang ho ka lekanyetswa le hona ka mokgwa ofe?
Le hore na ruburiki ena e lokela ho sebedisetswa ho lekanyetsa diphetho mmoho le Maemo a Tekanyetso ohle a mosebetsi ona wa tekanyetso kapa na mosebetsi oo o lokela ho etsetswa diruburiki tse fapafapaneng?
Ke diruburiki tse kae, hantlentle, tse hlokehang mosebetsing oo?
Ho bohlokwa ka nako tsohle hore titjhere e shebisane ruburiki le baithuti pele ba ka etsa mosebetsi oo ba o filweng. Ha ruburiki e sebediswa ka tsela ena, e fetoha sesebediswa se matla sa tekanyetso e etswang ke moithuti ka boyena.
Tlaleho e itshetlehileng bokgoning e nehelana ka lesedi ho bohle ba nang le seabo kapa ba nang le kgahleho tswelopeleng ya moithuti. Ha bopaki bo se bo bokeletswe le ho sekasekwa, matitjhere a lokela ho ngola bokgoni kapa phihlello ena. Ho lokela ho etswa Tekanyetso e etswang qetellong e lekaneng e le hore tlaleho e etse tlhaloso e bontshang boemo boo moithuti a bo fihlelletseng.
Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha sa Dikereite tsa 10 - 12 (Tsela ya ho Ithuta e Akaretsang) se ananela sekala se supang boiphihlelo ba dikgato tse 6. Sekala seo se bontshitswe Lenanetafoleng la 4.
Ho thusa ka boemo ba phihlello bo lokelwang ke ho fihlellwa diphethong tsa ho ithuta dikereiting tsa10 ho isa ho 12, ho nehelanwe ka ditlhaloso tsa boiphihlelo ba thuto e le ho hlahisa karohano kapa phapang ho se lebelletsweng hore baithuti ba lokela ho se tseba le ho ka kgona ho se fihlella. Dikgato tse tsheletseng tsa bokgoni bo lokelang ho fihlellwa di hlalositswe thutong e nngwe le e nngwe, kereite le kereite. Ditlhaloso tsena di tla thusa matitjhere haholo ka ho lekanyetsa baithuti le ho ka ba beha maemong a nepahetseng. Ditlhaloso di akaretsa se hlalositsweng ka botlalo Diphethong tsa ho Ithuta le Maemong a Tekanyetso, mme di nehelana ka matshwao a ikgethang a bopang boemo ba boiphihlelo maemong a itseng. Maemo a phihlello a fapaneng mmoho le dikgato tsa diperesente tse a supang di bontshitswe lenanetatoleng 1941.
Ho ya ka metheo le tshebediso ya tekanyetso e itshetlehileng diphethong, tekanyetso tsohle, e etswang sekolong mmoho le e etswang qetellong (tlhahlobo), di lokela ho tataiswa kapa ho itshetleha maemong a beilweng a ho lekanyetsa. Le ha ho le jwalo, matshwao a ka sebediswa ho lekola mosebetsi o itseng, empa mosebetsi o jwalo o lokela ho lekanyetswa ka ho sebedisa ruburiki ho na le ho tshwaya dintlha ho ntse ho nehelanwa ka matshwao a itseng ho ya ka dintlha tse nepilweng. Tlhaloso ya phihlello thutong ka nngwe e hlalosa bonyenyane bo lokelang ba bokgoni, tsebo, tjhadimo ya ditaba le makgabane tseo moithuti a lokelang ho bontsha boiphihlello ho tsona kgatong e nngwe le e nngwe ya sekala sa ho lekanyetsa.
Ha titjhere kapa molekanyetsi a lokisetsa mosebetsi wa tekanyetso/ dipotso, o lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi / dipotso di tobile dintlha tse itseng tsa sephetho se lokelang ho lekanyetswa. Maemo a Tekanyetso a loketseng a tshwanetse hore a sebediswe ho rala sekala sa tekanyetso (ruburiki) se tla sebediswa ho tshwaya mosebetsi / potso eo ho nehalanweng ka yona. Tlhaloso e bontsha ka ho hlaka boemong boo bonyane moithuti a lokelang ho bo fihlella kgatong e nngwe le e nngwe.
Ho fetisetswa pele ha baithuti ba leng Kereiting ya l0 le ya ll ho tla itshetleha feela tekanyetsong e etswang sekolong, empa le yona e lokela ho tshetlehwa dipehelong tse tshwanang le tse ho lengolo la Thuto le Thupelo e Tswellang ditlhokeho, maemo le melawana, mmoho le kgauhelo e etswang haeba moithuti a sa tsamaya hantle hakaalo, di hlalositswe hantle tokomaneng e bitswang ka hore ke Qualifications and Assessment Policy framework for Grades 10 - 12 (General).
Ho na le dibopeho tse ngata tseo dikarete tsa raporoto di ka ralwang ka tsona empa re ithutile hore ha Karete ya Raporoto e shebahala e nolofetse, ho ba bobebe ho e utlwisisa, ha feela e kenyeleditse dintho tsohle.
keletso e ahang e buang ka phihlello ya moithuti papisong le phihlello ya hae ya nako e fetileng mmoho le ditlhoko tsa thuto; le tswelopele eo moithuti a e etsang mabapi le ho ithuta.
setempe sa sekolo; le tlhahisoleseding e supang tsela eo moithuti a kenang sekolo ka yona.
bua le ho nehelana ka boitshepo le ka kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha ho ela hloko ho phethahetseng le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapafapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang maemong a dipuisano a fapaneng.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema ka boitshepo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e hlakileng mme o utlwahatsa le ho tshehetsa mehopolo ya hae ka matla; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ikamahanya le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e susumetsang, le e bontshang bokgabo mme o hlahisa setaele sa hae se holang; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa ditema ka boitshepo le ka ho phethahala ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e kgahlisang mme o utlwahatso le ho tshehetsa maikutlo a hae ka ho hlaka; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapafapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ikamananya ka phethahalo le baamohedi ba fapaneng ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e nang te tshusumetso le bokgabo, a bontsha bopaki bo totobetseng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso e kgolo.
bua le ho nehelana ka boitshepo, ka kgokahano le momahano ya dintlha, ka tsela e tsitsitseng le e tswellang; bontsha kelohloko e tsotehang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho thlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding ka maikemisetso a batsi a fapafapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang maemong a dipuisano a fapaneng.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho tlamahanya ditema ka boitshepo le ka boqhetseke ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e babatsehang mme o hlahisa le ho tshehetsa maikutlo a hae ka tsela e kgolehang; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e babatsehang; bontsha ho ba sedi mehopolong e batsi e fapafapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ikamahaya le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka tsela e kgahlisang; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tswarellang e nang le tshusumetso le bokgabo, a bontsha setaele se hlakileng seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho hlahisa tema e ntlafetseng.
hlwaya, sekaseka, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le a tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo babatsehang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa ditho/dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka boitshepo, ka nepahalo le ha bobebe; fihlella moelelo, sekaseka, lekola le le ho hlalosa diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo bakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo babatsehang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe. ho hlalosa diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo tse thatafetseng bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele se rarahaneng; bontsha bokgoni bo babatsehang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa ditema hangata ka boitshepo ha a bala le ho boha; utlwahatsa le ho tshehetsa mehopolo ya hae ka kutlwisiso; balla hodimo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka tsela e kgahlisang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapanengle dintlheng tse amanang le setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tseo boholo e leng tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha, empa di sa nepahala hantle; ela hloko baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemsetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e susumetsang le e nang le bokgabo, a bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae se holang; lekola botjha le hohlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng hangata a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa ditema ka boitshepo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle ha a utlwahatsa mme tshehetsa mehopolo ya hae ka ho hlaka; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e kgahlisang haholo; bontsha ho ba sedi maikutlong a fapaneng le dintlheng tse amang setso.
hlahisa hangata ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ha a ngola le ho nehelana; ikamahanya baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le di bopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e susumetsang le e nang le bokgabo, a bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso.
bua le ho nehelana ka boitshepo le ka kgokahano le momahano ya dintlha ka tsela e tshwarellang; bontsha kelohloko e phethahetseng le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho fihlela moelelo, sekaseka, ho lekola le ho tlamahanya tlhahisolesedeng ka maikemitsetso a fapaneng; sebedisa puo hangata ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa maemong a fapaneng a dipuisano.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding ka boitshepo le ka ho phethahala ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso e ntle haholo, mme o hlahisa le ho tshehetsa maikutlo a hae ka tsela e hlakileng; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e kgahlisang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapafapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse bontshang kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ikamahanya ka ho phethahala le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e tshwarellang, e susumetsang le e nang le bokgabo, a bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a sebetsa ka boyena ho netefatsa ntlafatso e bonahalang.
Phihlello e kgabane ditlwaelo tsa puo ka nepahalo le boitshepo tse bontshang kgolo; hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa hangata diphapano tse patehileng pakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, hlalosa le ho sebedisa hangata dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo kgahlisang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa ditho/dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka boitshepo le ka nepahalo e holang; fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa hangata diphapano tse patehileng pakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa hangata dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo kgahlisang haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa ditho/dikarolo le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo le ka boitshepo; fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa diphapano tse patehileng pakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele; bontsha bokgoni bo kgahlisang haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehelana ka kgokahano le momahano ya dintlha le ka boitshepo bo kgotsofatsang; bontsha kelohloko le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha ka tsela e kgotsofatsang; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho hlwaya le ho fihlela moelelo wa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng, empa o thatafallwa ke ho sekaseka le ho hlalosa; sebedisa puo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ho kgotsofatsang maemong a tlwaelehileng a dipuisano.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa ditema ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha empa o teana le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding; hlahisa le ho tshehetsa mehopolo ya hae a bontsha kutlwisiso ka tsela e kgotsofatsang; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi maikutlong a fapaneng mmoho le dintlheng tse amang setso ka tsela e kgotsofatsang.
ngola le ho nehelana ka ditema ka boiqapelo, le ka kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; ikamahanya le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, dibopeho le maemo ka tsela e kgotsofatsang; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka ho teba le ho tsepama ka bokgoni bo lekaneng, mme o bontsha bopaki bo seng bokae bo supang bokgabo le setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka tataiso ho netefatsa ntlafatso.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema ka boitshepo ka tsela e kgotsofatsang ha a bala le ho boha, empa o bontsha ho se itshepe ha a lekola le ho hlalosa; hlahisa le hotshehetsa mehopolo ya hae a bontsha kutlwisiso ka tsela e kgotsofatsang; balla hodimo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka tsela e kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi ka tsela e kgotsofatsang maikutlong a fapaneng le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; ikamalanya hangata le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maitkemitsetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka botebo le tsepamo ka bokgoni bo kgotsofatsang a bontsha bopaki bo seng bokae ba bokgabo le setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka tataiso e itseng ho netefatsa ntlafatso.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema ka boitshepo bo kgotsofatsang ha a bala le ho boha, empa o bontsha ho se itshepe ha a lekola le ho tlamahanya; bontsha kutlwisiso ha a utlwahatsa le ho tshehetsa mehopolo ya hae; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka tsela e kgotsofatsang; bontsha ho ba sedi ka tsela e kgotsofatsang mehopolong e batsi le dintlheng tse amang setso.
ngola le ho nehelana ka ditema tsa boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; ikamalanya le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maitkemitsetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e hlakileng, e bontshang ho teba le ho tsepama ho kgotsofatsang, le ka bopaki bo itseng ba bokgabo le setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka tataiso e itseng ho netefatsa ntlafatso.
E tswela pele meelelo e patehileng le mesebetsi ya mantswe a tlwaelehileng le dibopeho tsa ona ka nepahalo e kgotsafatsong; hlwaya, sekaseka, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa dipolelo tse fapaneng mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele, empa o etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona, ho kenyeleditswe mantswe a nang le meelelo e patehileng ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla le tlhahiso ya setaele empa o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa diphapano tse patehileng meelelong le mesebetsing ya mantswe le dibopeho tsa ona ka nepahalo ka tsela e kgotsofatsang; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tse fapaneng tsa dipolelo mabakeng a tshebediso ya puo ya kamehla le tlhahiso ya setaele, empa o etsa diphoso tse nyenyane; bontsha bokgoni bo kgotsofatsang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa ditema ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha, empa o ba le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso e lekaneng mme o nehelana le ho tshehetsa maikutlo a hae; balla hodimo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amanang le setso ka tsela e lekaneng.
ngola le ho nehelana, a hlokometse ho hlahisa ditema tse bontshang boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka tsela e lekaneng; ikamahanyale baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso maemo le dibopeho ka tsela e lekaneng; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka tsela e lekaneng, empa ka bokgabo, botebo le ho tsepama ho honyenyane feela; bontsha bopaki bo lekaneng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng feela ka tataiso ho netefatsa ntlafatso e lekaneng.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha, empa o ba le bothata ha a lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwiso e lekaneng mme o utlwahatsa le ho tshehetsa maikutlo a hae; balla hodimo ka bolokolohi le ka ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amanang le setso ka tsela e lekaneng.
ngola le ho nehalana, a hlokometse ho hlahisa ditema tse bontshang boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo ka bokgoni bo lekaneng; ikamahanya ka bokgoni bo lekaneng le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka bokgoni bo lekaneng empa o bontsha bokgabo, botebo le ho tsepama ka tsela e fokolang; bontsha bopaki bo lekaneng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng empa o hloka tataiso ho netefatsa ntlafaso e lekaneng.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema ka bokgoni bo lekaneng ha a bala le ho boha, empa o ba le bothata ha a lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding; bontsha kutlwiso e lekaneng mme o hlahisa le ho tshehetsa maikutlo a hae; balla hodimo ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka bokgoni bo lekaneng; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amanang le setso ka tsela e lekaneng.
ngola le ho nehalana, a hlokometse ho hlahisa ditema tse bontshang boiqapelo, tse nang le kgokahano le momahano ya dintlha le tse nepahetseng ka tsela e lekaneng; ikamahanya ka bokgoni bo lekaneng le baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka bokgoni bo lekaneng, empa o bontsha bokgabo, botebo le ho tsepama ka tsela e fokolang; bontsha bopaki bo lekaneng ba setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng empa o hloka tataiso ho netefatsa ntlafaso e lekaneng.
E tswela pele sebedisa ka nepahalo; hlwaya le ho fihlela moelelo wa mantswe le dibopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng, empa o ba le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa mesebetsi ya ona, mme a ka lemoha, diphapano tse patehileng ho fihla bohato bo itseng feela; hlwaya, sekaseka, hlalosa le ho sebedisa dikarolo tsa polelo ka bokgoni bo lekaneng mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla, empa o etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo lekaneng ba shebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni bontsha kutlwisiso ya dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka bokgoni bo lekaneng, mme ka nako tse ding o di sebedisa ka nepahalo; fihlela moelelo le ho sekaseka meelelo ya mantswe ka bokgoni bo lekaneng, empa o ba le bothata ba ho hlalosa mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona mme a ka elellwa diphapano tse seng kae tse patehileng ho fihla bohato bo itseng feela; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tsa polelo bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla ka bokgoni bo lekaneng empa o etsa diphoso tse totobetseng; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bontsha kutlwisiso ya dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka bokgoni bo lekaneng, mme ka nako tse ding o di sebedisa ka nepahalo; fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa diphapano tse patehileng dipakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe le di bopeho tsa ona ka bokgoni bo lekaneng; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dikarolo tsa polelo ka bokgoni bo lekaneng bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla empa ka nako e nngwe o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo lekaneng ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
bua le ho nehalana, empa ka ho kgaokgaoha ha kgokahano le momahano ya dintlha; sebedisa puo empa o bontsha tlhokeho e kgolo ya kelohloko ya puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sewelo mme o thatafallwa ke ho hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding mabakeng a fapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo.
hlwaya le ho fihlela moelelo wa ditema ka sewelo ha a bala le ho boha, hape o ba le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding e qoholehileng; bontsha kutlwisiso kapa ho utlwahatsa le ho tshehetsa maikutlo a hae ka sewelo; balla hodimo a ntse a kgaokgaoha, mme o bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa tse haellang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo haellang.
ngola le ho nehelana ka ditema empa o bontsha kgaello ya boiqapelo le ya kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo kapa ho ela hloko baamohedi ba ditaba ba fapaneng,, maikemisetso, maemo le dibopeho; bopa ka mehopolo le dintlha tse e tshehetsang, kapa ho bontsha bokgabo le setaele seo e leng sa hae ka sewelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka tataiso e etswang kgafetsa empa o bontsha ntlafalo ka sewelo.
bua le ho nehalana ka ditema, empa ke ka sewelo a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e haellang le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sewelo ka sepheo sa ho fihlela moelelo le ho sekaseka, mme o ba le bothata bo boholo ha a lekola le ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo.
fihlela moelelo le ho sekaseka ditema ka sewelo ha a bala le ho boha, mme a ba le bothata ha a sekaseka le ho hlalosa tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa maikutlo a hae ka sewelo, mme o a tshehetsa ka bokgoni bo haellang; balla hodimo a ntse a kgaokgaoha, mme o bontsha bolokolohi le ho kutlwahatsa ka bokgoni bo haellang; bontsha ho ba sedi mehopolong fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo haellang.
ngola le ho nehalana ka ditema empa o bontsha kgaello ya boiqapelo, le ya kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ela hloko baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho ka sewelo; hlahisa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang kapa ho bontsha bokgabo le setaele se e leng sa hae ka sewelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka tataiso e etswang kgafetsa empa o bontsha ntlafalo ka sewelo.
bua le ho nehalana ka ditema empa ke ka sewelo a bontshang kgokahano le momahano ya dintlha; bontsha kelohloko e seng kae le ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sewelo ka sepheo sa ho fihlela moelelo sekaseka, lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng; sebedisa puo ka bolokolohi le ka boikutlwahatso maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo.
fihlela moelelo wa ditema ka sewelo ha a bala le ho boha, mme a fumana bothata ha a sekaseka, a lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso e itseng, mme o hlahisa maikutlo a seng makae a hae, empa o a tshehetsa ka bokgoni bo bonyenyane; balla hodimo a ntse a kgaokgaoha, mme o bontsha bolokolohi le ho kutlwahatsa ka bokgoni bo haellang; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka bokgoni bo haellang.
ngola le ho nehalana ka ditema empa o bontsha kgaello ya boiqapelo le ya kgokahano le momahano ya dintlha le nepahalo; ela hloko baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopelo ka sewelo; hlahisa mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ka botebo bo itseng, empa ka tsepamo e sa tsitsang mme o bontsha bopaki bo bonyenyane haholo ba bokgabo le setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng a tataiswa kgafetsa empa ke ka sewelo a bontshang ntlafalo.
E tswela pele diphapano meelelong ya mantswe a tlwaelehileng le dibopeho ha tsa ona empa ka bothata, mme o qakeha haholo ha a sekaseka le ho hlalosa mesebetsi ya ona; hlwaya, sekaseka, hlalosa le ho sebedisa ka dikarolo tsa polelo tse tlwaelehileng bakeng sa tshebediso ya puo ya mehla ka nepahalo ka sewelo, mme o etsa diphoso tse kgolo; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa le ho sebedisa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo ka nepahalo ka sewelo; fihlela moelelo le ho sekaseka diphapano meelelong ya mantswe a tlwaelehileng, empa o ba le bothatha bo boholo ha a lekola le ho hlalosa mesebetsi le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka hlalosa le ho sebedisa dibopeho tsa polelo ka nepahalo ka sewelo bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla, hape o etsa diphoso tse kgolo; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa tse seng kae tsa dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo empa o di sebedisa ka nepahalo ka sewelo; fihlela moelelo le ho sekaseka diphapano meelelong ya mantswe a tlwaelehileng empa a thulana le bothata bo boholo ha a lekola le ho hlalosa mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona; hlwaya, sekaseka, lekola le ho sebedisa dibopeho tsa polelo mabakeng a tshebediso ya puo ya ka mehla empa ka katleho e haellang mme o etsa diphoso; bontsha bokgoni bo haellang ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
hlwaya, fihlela moelelo, sekaseka kapa ho hlolosa ditema ka sewelo haholo ha bala kapa a boha; bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa maikutlo a hae ka sewelo haholo mme o a tshehetsa ka sewelo haholo; balla hodimo ka bofokodi bo boholo, le ka bolokolohi le ho ikutlwahatsa tse haellang haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka tsela e haellang haholo.
ngola le ho nehalana ka ditema empa o batla a bontsha tlhokeho ya boiqapelo, ya kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; bontsha ho se tsotelle baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; ngola ka kutlwahalo kapa ho bontsha setaele seo e leng sa hae ka sewelo, mme dintlha tse tshehetsang maikutlo di lobokane haholo hoo tema e qetellang e hloka moelelo; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka bokgoni bo fokolang haholo.
bua le ho nehelana ka dintlha, empa ka kgokahano e haellang haholo; bontsha kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompho ka bokgoni bo fokolang haholo; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho fihlela moelelo, sekaseka, lekola kapa ho hlalosa tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng ka sewelo haholo; sebedisa puo ka bolokolohi kapa ho ikutlwahatsa maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo haholo.
fihlela moelelo, sekaseka, lekola le ho hlalosa ditema ka sewelo haholo ha a bala le ho boha; bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa maikutlo a hae le ho a tshehetsa ka sewelo haholo; balla hodimo ka bokgoni bo fokolang haholo, mme o bontsha kgaello e kgolo ya bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka sewelo haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng le dintlheng tse amang setso ka sewelo haholo.
ngola le ho nehelana ka ditema, empa o bontsha boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo ka sewelo haholo; bontsha ho hloka tsotello ho baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo le dibopeho; ngola ka kutlwahalo ka sewelo mme o sitwa ho bontsha bopaki ba setaele seo e leng sa hae; nehalana ka mehopolo le dintlha tse e tshehetsang, empa di lobokane; lekola botjha ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ka bokgoni bo fokolang haholo.
bua le ho nehalana ka dintlha, empa ke ka sewelo a bontshang kgokahano; batla a bontsha ho hloka kelohloko kapa ho sebedisa puo e bontshang ho ba sedi le ho hlompha; mamela ka tshetshefo ka sepheo sa ho fihlela moelelo sekaseka, lekola kapa ho tlamahanya tlhahisoleseding ka maikemisetso a fapaneng ka sewelo; sebedisa puo ka bolokolohi kapa ho ikutlwahatsa maemong a tlwaelehileng a dipuisano ka sewelo haholo.
bala le ho boha ditema empa o thatafallwa haholo ke ho fihlela moelelo, ho sekaseka, lekola le ho tlamahanya tlhahisoleseding; bontsha kutlwisiso kapa ho hlahisa maikutlo a hae le ho a tshehetsa ka sewelo; balla hodimo ka bokgoni bo fokolang haholo, mme o bontsha bolokolohi le ho ikutlwahatsa ka sewelo haholo; bontsha ho ba sedi mehopolong e fapaneng kapa dintlheng tse amang setso ka sewelo haholo.
ngola le ho nehalana ka ditema empa bontsha bopaki bo fokolang haholo ba boiqapelo, kgokahano le momahano ya dintlha kapa nepahalo; bontsha ho se tsotelle baamohedi ba ditaba ba fapaneng, maikemisetso, maemo kapa dibopeho; nehalana ka mehopolo le dintlha tse e tshehetsang, empa di lobokane feela, ha di etse moelelo kapa di a iphetapheta mme o hloka setaele seo e leng sa hae; lekola botjha le ho hlaola diphoso mosebetsing o ngotsweng ha feela a tataiswa kgafetsa empa hangata o hloka kutlwisiso kapa o sitwa ho lokisa diphoso.
E tswela pele ka sewelo haholo; hlwaya, fihlela, moelelo sekaseka le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe a tlwaelehileng le dibopeho tsa ona ka nepahalo ka sewelo haholo; sebedisa dipolelo tse hlokang moelelo kapa sebopeho se nepahetseng; bontsha bokgoni bo fokolang haholo ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
Ditlhaloso tsa Bokgoni Ditlhaloso tsa Bokgoni utlwisisa feela dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo tsa motheo mme o di sebedisa ka nepahalo ka sewelo; fihlela, moelelo sekaseka, lekola le ho hlalosa diphapano dipakeng tsa meelelo le mesebetsi ya mantswe a tlwaelehileng le dibopeho tsa ona ka sewelo haholo; sebedisa dibopeho tsa polelo ka nepahalo bakeng sa tshebediso ya puo ya ka mehla ka sewelo haholo; bontsha kgaello e kgolo haholo ya bokgoni ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
utlwisisa feela dikarolo/ditho le ditlwaelo tsa puo tsa motheo mme ke ka sewelo a di sebedisang ka nepahalo; fihlela moelelo sekaseka, lekola le ho hlalosa meelelo le mesebetsi ya mantswe le dibopeho tsa ona ka sewelo; sebedisa dibopeho tsa polelo bakeng sa tshebediso ya puo ya kamehla ka nepahalo ka sewelo; bontsha kgaello e kgolo haholo ya bokgoni ba tshebediso ya thutapuo le tlotlontswe.
akanya - ho lekanya taba kapa ntlha e itseng empa ho itshetlehuwe hodima tlhahisoleseding/dintlha tse itseng akoronimi - lentswe le bopilweng ka ditlhaku tse qalang tsa mantswe a mang baamohedi ba ditaba - ho hlaloswa bohle ba amohelang ditaba/tlhahisoleseding ka ho bala kapa ho mamela seo sebui kapa mongodi wa tema a nehelanang ka sona bathahaselli - batho ba nang le seabo kapa kgahleho ntlheng tse itseng haholo ya hore baithuti ba sebetsa ka tsela e jwang boeletsa - ho boela o pheta/etsa ntho hape kapa ka makgetlo boikgopotso - ke sengolwa se hlahiswang ka tsela ya tlaleho ha ho lekolwa kapa ho okola tsa bohlokwa feela ka ho hong ho itseng, e ka ba ho ikgopotsa buka e badilweng, filimi kapa ketsahalo, papadi ya kalaneng, esitana le ha e le eng kapa eng bokgoni - ke seo moithuti a kgonang ho se etsa ka mora hore a ithute se seng se itseng bolekanyetsi - tshebetso ya ho netefatsa ho bona hore mesebetsi ya tekanyetso, e seng e entswe e phethilwe e phethilwe ka tokaka ho latela dintlha tsa motheo tsa tekanyetso ka tshwanelo botemengata - tsebo ya dipuo tse ding tsa tlatsetso ntle le tsebo ya puo ya lapeng didumatshwano - ke mantswe a mabedi a nang le medumo e tshwanang, empa meelelo yona e fapane, jwaloka 'thaba' dipolelong tsena; re a thaba ha le sebeditse hantle dihlahlahlobong; re hlwele thaba dikahare - tse fuperweng ka hare ho ho hong, e ka ba ka hare ho tokomane, buka, tema, jwalojwalo dikala tsa ho lekanyetsa - ke mekgwa ya tshebetso, eo ho yona letshwao (jwalo ka a kapa b) kapa ntlha jwalo ka 5/10 kapa 50% le hlaloswang ka botlalo dikala tsa tekanyetso tse supang dikgato diruburiki - ke mefuta ya dikala e supang dikgato tse supang kgolo e nang le mehato e fetafetanang, mme e bontshang matshwao a lokelang bonnyane ho fihlellwa kapa maemo a amohelehileng a pontsho ya ho fihlella se batlwang mokgeng o mong le o mong wa mosebetsi o lekolwang dikgato - mehato e fapaneng e sebediswang ho supa maemo a tshebetso ao moithuti a leng ho ona, jwalo ka a sebediswang sekaleng sa tekanyetso se supang dikgato (ruburiking)dinoutsu - dintlha tse itshetlehileng hodima taba e itseng, tse e hlakisang le ho e hlalosa ka botlalo diphetho tsa ho Ithuta- ke tlhaloso eo ho nehelanwang ka yona e bolelang seo moithuti a lokelang ho se tseba, ho kgona ho se etsa kapa ho se fihlella kereiting e nngwe le e nngwe, mme di theilwe diphethong tse hlokolosi le diphetho tse ntshetsang pele ditema tsa mannete - ditema tse nang le mesebetsi e ka etswang kapa ho sebediswa e seng tse itshetlehileng dingolweng jwalo ka makasine, ditaba tsa koranta, dipehelo ho tswa seyalemoyeng le thelebishene, dipapatso, dileibole tsa dihlahiswa diborutjhara tsa maeto, diforomo tsa semmuso, mehlala ya mangolo a nnete ditema tsa mefuta e fapaneng ya dipuisano - ditema tse fumanwang disebedisweng tse fapaneng, tse jwaloka televishene, difilimi jj ditshita - dintho tse sitisang hore tse tshwanelang ho etswa di se kgone ho etsahala hlalosa moelelo - ho badisisa ka maikutlo le ka maikemisetso a ho fihlella moelelo o hlahiswang temeng hlokolosi - ntho ya bohlokwa hlwaya - ho qoholla ka boqhetseke ntho e nngwe ka hara tse ding ho ba sedi - ho ela hloko ho se utlwise maikutlo a batho ba bang bohloko ho hlaola diphoso - bokgoni ba ho elellwa ho hlwaya le ho ntsha diphoso tse teng temeng, mme di bile di lokiswa ka maikemisetso a ho ntlafatsa ho boha - ho sheba/shebella kapa ho tadima setshwantsho/mofuta wa tema e sa ngolwang ka mantswe empa ho sebedisitswe setshwantsho jwalo ka khatunu, le ha e le foto kapa setshwantsho se jwang kapa jwang feela ho ikutlwahatsa (boikutlwahatso) - ke tsebo le bokgoni ba moithuti ba ho hlahisa le ho tsebisahatsa mehopolo, menahano le maikutlo a hae ka tshwanelo le ka nepo le ka tsela eo basebedisi ba bang ba puo ba tlang ho kgona le ho utlwisisa seo a se buang kapa a se ngolang ho ngola ka bolokolohi - ha baithuti ba fuwa monyetla wa ho ngola seo ba ratang ho se ngola ntle le hore ba tshwenyehe ka ho etsa diphoso. baithuti ba kgothaletswa ho ngola hangata ka moo ba ka kgonang ka teng ho okola - ho bala tema ka pele ka sepheo sa ho fumana feela mohopolo/mehopolo e akaretsang seo moithuti a balang ka sona, jwalo ka ho lekola mehopolo ya sehlooho ho ruteha - bokgoni ba ho bala le ho sebedisa tlhahisoleseding le ho ngola mabakeng a tse fapaneng.
Dipuo - Sesotho Puo ya Lapeng jakone (jargon) - puo e ikgethang e sebediswang mamemong a ikgethang a kang a kgwebo kapa porofeshene e itseng; ha puo ena e sebediswa ka tsela e sa tsotelleng bamamedi ba ditaba/babadi e ba e ama bao hampe.
Dipuo - Sesotho Puo ya Lapeng lekola - lentswe lena le sebedisitswe haholo ho bolela ho lekanya tshebetso ya moithuti kapa ho bona kgato eo a leng ho yona ka bokgoni le tsebo tseo a seng a di bokelletse lenanetsamaiso la ho ithuta - ke tokomane e nehelanang ka tataiso ya ho ithuta le tekanyetso tse lokelang ho etswa nakong ya dilemo tse tharo Mokgahlelong waThuto le Thupello e Tswellang lelatodi - lentswe le nang le tlhaloso e fapaneng ho lentswe le leng, mohlala: ho thaba ho hlonama lenanenetefatso - lenane la dintho tse hlokehang/ tshwanetseng ho etswa kapa dintlha tse lokelang ho elwa hloko lengolo la ntshetsopele ya thuto le thupello (dikolong) - ke lengolo la bopaki le bontshang hore baithuti ba atlehile ho fihlella dintlha kapa matshwao ao ka ona ho ka thweng ba atlehile thutong e itseng lepata - ke mokgabiso puo oo ho ona moelelo o itseng o matlafatswang ka ho o latola jwalo kaha eka ho patwa seo e hlileng e leng sona, jwalo ka mona, ngwetsi ya rona e ne e sa ota le kgale ha e fihla mona lapeng letshwao - ntho e emang kapa e emelang ntho e itseng (mohlala: nonyana ke letshwao la kgotso) letso - lentswe le fumanweng kapa ho hlaha ho tswa ho le leng kapa ho tswa motsong maemo a tekanyetso - tsohle tseo moithuti a lokelang ho di tseba le ho kgona ho di etsa, tse kenyeleditseng bokgoni, tsebo, makgabane le tjhadimo ya ditaba maemo a tse ithutwang - tema efe kapa efe e hlahiswa le ho sebedisetswa maemo a itseng.
ke tshebediso ya puo moo sebui se sebedisa puo e nngwe ho pata moelelo wa seo a se buang ka nnete tshebediso ya puo ka tsela ya ho akanya ho itseng empa ya sebedisang puo a sa topalla boikutlwahatsong ba hae moelelo o ritsitseng - moelelo oo e seng wa sethato, empa wa bobedi oo lentswe le ka bang le ona.
moelelo wa sethato - moelelo wa mantlha oo lentswe le nang le ona, mme le o sebedisetswang (jwalo ka mohleleng ona, Leleme la Mpho (setho as mmele) le tswile diso) moelelo o otlolohileng - tshebediso ya puo ka tsela eo moelelo o hlahellang ka ho otloloha, o hlakile ebile o topalletse moelelo wa sebolelwa - moelelo wa sethato wa lentswe mokgwa wa boinahanelo - mokgwa wa boinahanelo o sebediswang haholo ke baithuti dithutong tsohle ha ba akanya, qapa mokgahlelo - ke nako ya dilemo tse tharo tsa ho ithuta, ho tloha kereiting ya leshome ho isa ho ya leshome le metso e mmedi mokgwa - ke tsela eo mosebetsi o etswang ka yona mokgwakatamelo - ke mokgwa le tsela ya ho ruta o kenyeleditseng mawa a hlophisitsweng ka tatellano le ka tshwanelo jwalo ka ho tadima diphetho tse lokelang ho fihlellwa, moithuti eo e leng yena ya bohareng ba diketsahalo tsa ho ruta le ho rutwa, j.j mokotaba - sehlooho seo motho a ngolang, ho bua kapa ho nahana ka sona momahano (cohesion) - ketso ya ho hlahisa tshwarahano ya mehopolo e hlahamanang ka tatellano e tsamaellalang ka ho phethahala hoo e hlahisang moelelo(thlalohanyo) o utlwahalang ka phethahalo mopeletotshwano - ke mantswe a mabedi a peletwang ka tsela e tshwanang, empa a fapana ka modumo le moelelo.
phapano e itshetlehile haholo hodima modumo, jwalo ka ho ana, taba le taba, mohlala: Taba ya hore Samina o imme ya nyarosa Kgwapo mmele.
ntlha eo mmui/mongodi a e emelang le ho e tshehetsa ka mabaka dipuisanong/bongoding.
qeto eo moithuti a e etsang mabapi le hore o tla pheta ditaba tsa hae a le boemong ba mmui kapa ba mmuuwa poeletso - ke mokgabiso puo o fumanwang hangata dithothokisong moo sethothokisi se etsang phetapheto ya modumo/medumo e itseng moleng, jwalo ka poeletso ya didumannotshi (asonense) kapa ho phetwaphetwa ha didumammoho (alethereishene) qalong esitana le hara mantswe poeletso modumo - phethaphetho ya medumo ya didumammoho tse qalang tse tshwanang ka tatellano polelo sebopeho sa polelo - tsela eo polelo e bopilweng ka yona ka tshebediso ya mabopi a fapafapaneng a kenyelleditseng dikarolo tse fapaneng tsa puo, dikapolelwana, dipolelwana (dipolelwana kutu le tse ding) -dipolelonolo, dipolelotswako/kopane le dipolelomararane di bopilwe ka mabopi ana mefuta ya dipolelo - mefuta e fapafapaneny ya dipolelo tse fumanwang puong, tse kang dipehelo, dipotso, ditaelo, tse sebopehong sa tatolo, jj.
dikarolo tsa dipolelo - dikarolo tse fapaneng tse fumanwang seboehong sa polelo tse kang moetsi, ketso, moetsuwa, katoloso, jj.
polelokopane (compound sentence) - polelo e nang le moetsi kapa ketso tse fetang bonngwe polelomararane (complex) - polelo e bopilweng ka dipolelwana tse fetang bonngwe tse itshetlihileng ho polelo e jereng moelelo wa sehlooho phapano - ho se tshwane kapa ho fapana ho teng dipakeng tsa dintho/dintlha tse itseng phelekanyetso - ke ho se utlwahale hantle ha polelo kapa ho ipha meelelo e fetang bonngwe ha yona ka lebaka la tshebediso e bohlaswa ya mantswe kapa ya matshwao a puo phetelo - ho ngola kapa ho pheta pale ka tsela e supang kgokahano le talellano ya diketsahalo phuputso - thuto ya ho fumana dintlha tse ntjha le ho fumana tlhahiso leseding ka thuto ke hore ho etsa dipatlisiso popeho - tsela eo lentswe le bopilweng ka yona kapa dikarolo tse bopileng lentswe porofaele ya moithuti - rekoto-kakaretso ya moithuti, ho kenyelletswa tlhahiso-leseding ka yena potefoliyo - faele ya moithuti ka mong e jereng mosebetsi wa moithuti potsotherisano - puisano pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta, e mong a botsa ha e mong a araba puisano ya dihlotshwana - ke dipuisano tse etswang ka dihlotshwana moo ho lokelang mme ho tshohlwa taba e itseng puisano le ho botsana dipotso sefahleho ka sefahleho - ke monyetla o etswang hore baithuti ba dule le ho buisana ba tadimane mahlong moo sebaka se etswang sa ho botsa dipotso le ho di araba, jwalo ka ha ho etswa ha motho a ile ho batla mosebetsi puo e hlohleletsang - puo e susumeletsang mmadi/momamedi ho etsa ho itseng kapa ho nka qeto e itseng, jwalo ka puo e sebediswang dipapatsong kapa e sebediswang ke boradipolotiki puo e hlohlelletsang e sena bonnete - puo eo mmui a e sebedisang ka bohlale ho hlohlelletsa bamamedi mme e se na bonnete puo e kgethang lehlakore - puo e nang le tshekamelo e itseng kapa e kgethollang puo e lahlehisang - puo e nang le tshekamelo e itseng empa e lahlehisang ka sepheo puo e susumetsang - puo e tsosolosang maikutlo a matla kapa e fehlang maikutlo puo e sebediswang ho bua ka thuto ya puo - puo e sebedisang tlotlontswe, leetsi, poloto, lebitso, lehlalosi j.
Dipuo - Sesotho Puo ya Lapeng puo ya bohlale - puo eo ho yona moelelo wa sethatho wa tshebediso ya puo o riritseng, hoo hoseng ho hlahella moelelo o motjha.
puo ya lapeng - ke puo ya pele e akaretsang tikoloho eo moithuti a holelang ka hara yona, e leng ka lapeng le/kapa motseng wa habo, mme ke yona ya pele eo a ithutang yona. ha ho kgoneha puo tse fetang bonngwe di ka sebediswa ka tsela ena, hona ho bolela hore baithuti ba bang ba ka ba le puo tsa lapeng tse fetang bonngwe puo ya ho ithuta le ho ruta - ke puo e sebediswang haholo tikolohong e itseng ya ho ithuta le ho ruta.
puo ya maikutlo - puo e nang le tshusumetso kapa tlhohlelletso ya maikutlo a matla haholo puo ya sehlotshwana se itseng - puo e sa phethahalang hantle hakaalo ka tlotlontswe ya teng e sa tlwaelehang, mme e buuwang ke batho ba korolwana e itseng puo ya tlatsetso - puo e nngwe eo moithuti a ithutang yona ntle le puo ya hae ya lapeng qatsohiso - ke bonono kapa bokgeleke bo sebediswang ho hlakisa moelelo ka tsela ya ho etsa hore se neng se ke ke sa elellweha kapa sa hatelleha, se hatellehe kapa se qatsohe sehalo - paterone ya ho phahama le ho nyoloha ha lentswe e nang le seabo moelelong wa polelo sehlahiswa se phethetsweng (final product) - se sephetho hlahiswang ke moithuti qetellong ka mora hore a hlahise meralo e kgwariditsweng e fapafapaneng mme se se se hlwaluwle ho hlaolwa diphoso tse neng di le teng, se se se phethahetse sehlohlolo - karolo (haholo sengolweng) e hohelang, e thabisang ebile e na le tshusumetso e matla eo hangata e atamelang ho ya pheletsong ya ditaba sekaseka - mokgwa wa ho lekola ka botebo e le ho tshwaya diphoso tseo e bang di hlahella diketsahalong semorafe/bomorafe - dintlha tse amanang le morafe jwalo ka: mesebetsi, dipuo, tumelo, ekonomi, boitshwaro j.j semmuso - ntho e ka tlasa taolo ya molao sephetho - ditlamorao tsa ketsahalo sesosa - se fanang ka tlhahiso ya ketsahalo kapa mabaka setefikeiti - lengolo la bopaki leo moithuti a le fumanang qetellong ya mokgahlelo wa ntshetsopele ya thuto le thupello tekanyetso ya dinako tsohle e tswellang - ke lewa le sebediswang tekanyetsong leo ka lona ho hlahiswang qeto e hodima ho ithuta ha moithuti ho itshetlehuwe hodima diketsahalo tse fapaneng tsa tekanyetso, le mesebetsi e entsweng ka dinako tse fapaneng nakong ya ho ithuta tekanyetso/ ho lekanyetsa - ke hlahlobo e nang le dikgato tse tswelang pele eo ka yona ho bokellwang le ho toloka bopaki ba tshebetso ya moithuti e le hore ho tle ho nehelanwe ka qeto e hlalosang bokgoni ba hae ha bo bapiswa le Maemo a Tekanyetso tekanyetso e tswellang kapa etswang nako le nako - ke karolo e hlokolosi haholo ya ho ruta ho ithuta. e lekola le ho nehelana ka tshehetso ho baithuti nakong ya ho ithuta tekanyetso ya ho lekola maemo a tshitiso ya ho ithuta - e sebediswa ho sibolla mathata a ho ithuta a baithuti tekanyetso ya motheo - ke hlahlobo e sebeditswang ho totobatsa seo baithuti ba seng ba ntse ba se tseba mmoho le bokgoni ba bona.
temana - karolwana ya se ngotsweng temeng e kang eo re e fumanang thothokisong (verse), ha ka nako e nngwe le sebedisitswe ho karolwana ya se ngotsweng, jwalo ka ha ho ngolwa moqoqo thesorase - buka ya mahlalosanngwe le malatodi, e bontshang mehopolo e tshwanang le e sa tshwaneng thoholetsa - ho ananela/rorisa ka mokgwa wa ho opa diatla kapa ka puo ya molomo.
<fn>Sesotho P1 FAL Memo Gr 12 Nov 2008.txt</fn>
Memorandamo o na o na le maqephe a 11.
Ke dinokwane/ ditsotsi/ babolai/ dikebekwa, ditlokotsebe.
Ba ne ba fasitse dithae, 9 e mong a tshwere mokotlana wa mangolo.
hobane bao ba ne ba ile ba ba bolaisa (tshwarisa) ka mapolesa (pele ho moo).
Motsheare o moholo/ hara mpa ya motsheare/ka hora ya 12/ ha tadi e antsha.
Ho ne ho hlasetswe matlo a mabedi a mapolesa (ka boomo).
Mapolesa a ne a le mangata haholo. Dintja le tsona di le ngata. 9Batho ba theoswa makoloing, a phenyokollwa.
'E ne e le le ntshang kwena bodibeng'.
B/ Thibelo ya mmileng.
Polokeho ya baahi e ba tsietsing.
Botlokotsebe bo ja setsi.
Moruo wa naha o a thefuleha.
Tlhokeho ya mesebetsi e a phahama.
Borakgwebo ba ka hare le ka ntle ho naha ba a ikgula.
Apole le monokotshwai.
O romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala.
Ho hohela babadi hore ba batle ho tseba ka diphuthelwana tsena tseo ho fanwang ka tsona.
E babatsehang 7 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 6 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 5 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 4 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 3 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana feela 2 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Sekolong baithuti ha ba lekane ka bohlale. Tlhahlobo le teko di thusa mesuwe ho lekanya hore baithuti ba utlwisisa dithuto na. 9 Ona ke mokgwa wa ho lekola tswelopele ya bona. 9Ho teng ba reng ditlhahlobo ha di hlokahale.9 Moithuti ya hlooho e thata ya sa lofeng, ha a fetiswa e tla ba lathalatha. 9 Ditlhahlobo tsa makgaolakgang di na le mathata. 9 Baithuti ba lelera diterateng ka yunifomo.
Ha moithuti a ngotse mantswe a ka tlase ho a 60 kapa a tlotse ka a ka bang 5, a nne a fuwe letshwao bakeng sa ho sebedisa palo ya mantswe e loketseng. Ke feela ha a fetile palo ya mantswe a fetang a 75 a ke keng a fumantshwa letshwao - 1.
Kabo ya matshwao: 2. 1. Ho ngola ka mantswe a haePalo ya mantswe 3.
Basebedisi bohle: Bohle (basebedisi) ba kgotsofatswa ke sehlahiswa seo.
Baithuti ba sebedise leakaretsi 'bohle' polelong e nepahetseng. Batshwai ba shebe moelelo le tshebediso e nepahetseng ya lentswe leo.
Lehlalosi la sebaka.
Bohle ba ne ba dutse lepatlelong.
Taba ena ya ho bulwa ha meaho ya sekolo, ha e fihla moreneng/ha/ho morena e ile ya ananelwa.
Tshebediso ya makopanyi dipolelong.
Mohlabani e mong a phahamisa lerumo la hae mme bohle ba kgutsa tu!
Ha a se a qetile yaba o dula fatshe. 99 Yaba o dula fatshe ha a se a qetile.
Dipolelo e tla ba tseo baithuti ba iketseditseng tsona. Tsena ke mehlala feela. Marui a sebediswe hantle dipolelong.
Ntlo ya morena e ne e le ntle ho feta tsa marenana.
Koloi ya bona e ile ya robeha tseleng.
Batshwai ba shebe moelelo le tshebediso e nepahetseng ya marui dipolelong.
Dipolelo tsena ke mehlala feela.
Mohlang oo, ho ne ho le monate, ho le mahleke ka hohlehohle ebile dijo di le ngata.
Ha a qeta ho bua, batho ba ile ba mo tshela ka ditlatse.
Batshwai ba shebe moelelo le tshebediso e nepahetseng ya dikapolelo.
Morena e moholo o ne a hlabile dioka e seng dipholwana.
Morena e moholo o rokwa/rokuwa ke mohlabani e mong pele a bua.
Tlhompho e nne e iswe ho ba baholo le bana.
Polelo ena ke mohlala feela: Ditjhaba di tla phuthehela Afrika Borwa ka 2010.
Ho matlafatsa hoo e leng lebitso la makasine9 hore le bonahale kapele 9 mme le hohele bao e ka bang babadi ba makasine ena.
Puo e a hohela/ e a qaqisa.9 Mmadi o ba le thahasello ya ho batla ho tseba ha holwanyane 9ka taba ena, mme o tla lokela ho reka makasine ona.
Sefahleho sa hae se kganya kgotso ebile se tletse kgotso hobane o bonahala a bososela. Sena se neha mmadi mohopolo wa hore ditaba tse ka hare di ntle, di a thabisa le ho kgahla jwalo ka setshwantsho seo.
<fn>Sesotho P1 HL Memo Gr 12 Nov 2008.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 11.
Ba habo motswetse/ba leloko.
Ngwana e mong le e mong o nkuwa e le wa setjhaba ho tloha mohla a tswalwang, v ka hoo ngwana wa Mosotho ke wa batho/setjhaba. Meetlo ke boleng ba setjhaba mme e kgetholla setjhaba ka seng ho se seng, ke ka yona re tsebang hore re tswa kae, re bomang.
Ho neha setjhaba tshobotsi hore se kgone ho ikgetholla ditjhabeng tse ding, mme se hlomphehe se be le seriti.
tswalo. v -kgolo. v -thuto/lebollo. v -lenyalo.
Hobane Basotho ba amohela feela lenyalo leo ho lona bohadi bo ntshuwang, v ha ho se jwalo lenyalo ha se lona.vBasotho ba dumela hore bohadi ke motheo wa lenyalo.
Ho jesa ngwana nama lekgetlo la pele.
Ho kudisa ngwana/Ha phuwana ya ngwana wela.
Lebollo le tadingwa e le mohato wa ho lokisetsa motjha ho kena lenyalong - mohato oo e leng wa bophelo. vv Kamano ya lebollo le lenyalo ke hore ha ngwana a etswa lebollong o se a ena [20] le tsebo e tjhatsi ya meetlo, mmoho le ya bonna le bosadi, mme o na le bolokolohi ba ho nyala kapa ho nyalwa.
E reretswe batho ba nang le karete ya keredite ya Standard Bank v hobane ke bona feela ba ka kgonang ho e sebedisa.
Ho ho kgothaletsa dikarete ho di sebedisa. Kapa Ho kgothaletsa basebedisi ba karete ena ho e sebedisa hangata ho ikekeletsa monyetla wa ho hapa.
Mafosisa. v- Ke dikarete tsa keredite tsa Standard Bank feela tse ka fetiswang hore o be le seabo tlhodisanong.
Ke mohopolo. v-hobane ho kenela tlhodisano makgetlo a 25 ha se ntlha e o tiisetsang hore o se o ntse o le mohlodi (ho ntse ho ka etsahala hore o se hape letho).
E babatsehang 7 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 6 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 5 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 4 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 3 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana feela 2 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Dikeledi ke ngwanana ya bohlale dithutong tsa hae sekolong. v O ne a phela ha monate ho fihlela ho etsahala ho hong ho ileng ha mo sulafalletsa bophelo. vA ferehwav ke mohlankana ya boitshwaro bo bobe ya nang le dikgarebe tse ngata. vKa baka la leqoophe la mohlankana enwa le tshusumetso ya metswalle Dikeledi o qetelletse a mo dumetse. vMoshanyana enwa o ile a beta Dikeledi ka letsatsi le leng. v Ha morao Dikeledi o iphumana a na le tshwaetso ya lefu la HIV. v.
O ne a sa halefe vmotsotso le motsotso ha a bona Mosa a ntse a fellwa ke matla.
Moritjana wa sefate seo o phodile ha monate.
Dikarabo tsena ke mehlala feela, bahlahlobuwa ba tla nehelana ka tsa bona.
Kgosokgoso o ne a shapilwe hoo a neng a dutla madi hampe.
Batshwai ba hlokomele hore bahlahlobuwa ba sebedisa dipolelwana tse nepahetseng, tse supang polelwanatlhalosi ya mokgwa le polelwanatlhalosi ya nako ka tatelano.
E mong wa badisana bao ba neng ba alositse motebong letsatsing leo o tseba hantle ka morero wa ho bolaya Petswamajweng.
Manthintsane o fihlile ha Kgosoloso le Mosa ba ntse ba kwebetellane fatshe moo motebong haufi le badisana, mme a boha ntwa eo ho fihlela pheletsong.
Nkgono ha a ka a kgolwa ditaba tsa Kgosokgoso.
Diperekisi tse monate di kgolwa ka nako ya tsona.
Ntatae ha esale a kgolwa Gauteng.
<fn>Sesotho P3 FAL Memo Nov 2008.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 17.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng, Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
SEBOPEHO: diratswana, selelekela le qetelo; bolelele bo loketseng Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo tse babatsehang hahlolo tse dumella nang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. O batla o le molelele/ mokgutshwane. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. O molelele/ mokgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala. O imahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo haellang haholo. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasahetseng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo Rejisetara/ setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo, ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara e sebedisitswe ka bokgoni bo botle, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara e sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara e sebedisitswe hantle mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara e sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, dikapolelo le bopaki bo bonyenyane bo supang kgetho ya mantswe e bontsha ng boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara le setaele di sebedisitswe ka tsela e lekaneng, feela e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha kgetho ya mantswe e haellang. Sebedisa thutapuo ka bokgoni bo haellang, dibopeho tsa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo bo haellang ba setaele sa hae. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha tlhokeho ya kgetho ya mantswe e nang le boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara e loketseng, setaele kapa ho ikutlwahatsa.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (ya A: Moqoqo, ya B: Tema ya kgokahano e telele le ya C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Paballo ya tlhaho Afrika Borwa.
Mofuta ona wa moqoqo ke oo ho ona mohlahlobuwa a lokelang ho nahanisisa ntlha e itseng mme a nehelane ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae.
Mofuta ona wa moqoqo mohlahlabuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae kapa mohopolo o itseng. O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa ona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mohlakoreng a mabedi akgang. Mohlahlobuwa o lekola mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsenang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe. Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya ditaba (moqoqo) tsa hae, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha ho ntse ho ngolwa moqoqo.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore mora-lo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
SEBOPEHO: - matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. Bolelele bo nepahetse. O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Bolelele bo nepahetse. Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima. Tema e batla e le telelele/kgutshwane Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. Tema e telelele/ kgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape.
Tema e batla e se Tema boholo e Tema boholo e Tema e ntse e na le Tema e ntse e na Tema e ntse e Tema e ntse e na diphoso ho hang hloka diphoso hoba hloka diphoso hoba diphoso tse mmalwa le diphoso tse tletse diphoso leha tletse diphoso tse kaha e lekotswe e lekotswe botjha e lekotswe botjha leha e lekotswe mmalwa leha e e lekotswe botjha ngatangata leha e botjha ho lokisa ho hlaola diphoso. ho hlaola diphoso. botjha ho hlaola lekotswe botjha ho ka maiteko a ho lekotswe botjha ka diphoso. diphoso. hlaola diphoso. hlaola diphoso. maiteko a ho hlaola diphoso.
Tema e Sehlahiswa se phe Sehlahiswa se Sehlahiswa se Sehlahiswa se Sehlahiswa se Sehlahiswa se babatsehang, e thetsweng se setle phethetsweng se phethetsweng se phethetsweng se phethetsweng se phethetsweng se bopilweng le ho haholo. setle. kgotsofatsang. kgotsofatsang. baleha ha boima. baleha ha boima.
phethelwa ka tsela e kgahlisang.
Nehelano e Nehelano e ntle Nehelano e ntle. Nehelano e Nehelano e Nehelano e Nehelano e babatsehang. haholo. amohelehileng. kgotsofatsang. haellang. fokolang.
Batho ba ka o pakang.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
haeba ho na le tlatseletso e itseng ya tlhahisoleseding, puo e jwalo e ngolwe ka masakeng sehalo le puo di itshetlehe kamanong ya dibui, mmoho le sehlooho sa puisano ha ho tlolwe mola dipakeng tsa mantswe a dibui.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
SEBOPEHO: - matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima. Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang. Nehelano e babatsehang. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo. Nehelano e ntle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle. Nehelano e ntle. Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e kgotsofatsang. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e haellang. Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo. Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e fokolang.
ditaelo di lokela ho hlaka mme di ngolwe ka tatellano ditaelo di lokela ho tloha Umhlanga ho ya Umfolozi Game Reserve di tlohe ka Borwa ho leba Leboya mme di bontshe dibaka tseo motho a lokelang ho feta ho tsona. Mehlala: moeti o lokela ho tsamaya ka tsela ya N2 a phapatile ka lebopo la Indian Ocean a feta Empangeni, Tollgate, a kene Mtubatuba, a boele a fete Hluhluwe ka letsoho le letona, mme a fihle Umfolozi Game Reserve. Ela hloko: Ho bile le bothata ka mmapa oo bahlahlobuwa ba neng ba lokela ho o sebedisa ho araba potso ena. Ka hona batshwai ba eletswa ho tadima dintlha tseo moithuti a nehelanang ka tsona (hoba moithuti a ke ke a kgona ho bolela dibaka kaha ha di bonahale pampering ya bona).
O qala Umhlanga o tsamanya ka tsela N2 o lebile Leboya o iphapatile le lewatle la India. O nyolohe jwalo o feta dibaka tse itseng ho ya fihlela o fihla kolong (toropong/sebakeng) ya ho qetela, moo o tla thinyetsa ka letsohong le letshehadi ho fihlela o kena tulong ya ho qetela, e leng Umfolozi Game Reserve.
ditaba tsa mohlahlobuwa di hlake mme di tobe taba puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng, e ele hloko moamohedi wa ditaba molaetsa o lokela ho ba mokgutshwane, mme o phethahale.
mohlahlobuwa a ingole e le yena kapa e le motho e mong diketsahalo e be tsa matsatsi a mahlano matsatsi ao diketsahalo di etsahetseng ka wona a lokela ho ngolwa pele ho diketsahalo diketsehalo di bontshe maikutlo, mehopolo, meralo, diqeto le kameho ya maikutlo a mohlahlobuwa puo e lokela ho ba e hlwekileng e bileng e nepahetseng dipolelo di kgutshwane, mme di utlwahale.
<fn>Sesotho P3 HL Memo Gr 12 Nov 2008.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 18.
MORALO: Tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo a fokola. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
SEBOPEHO: Diratswana, selelekela le qetelo; bolelele bo loketseng Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo tse babatsehang hahlolo tse dumella -nang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetse. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. O batla o le molelele/ mokgutshwane. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. O molelele/ mokgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo haellang haholo. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo, Rejisetara/ setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo, ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara e sebedisitswe ka bokgoni bo botle, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara e sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara e sebedisitswe hantle mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara e sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, dikapolelo le bopaki bo bonyenyane bo supang kgetho ya mantswe e bontsha ng boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetaran le setaele di sebedisitswe ka tsela e lekaneng, feela e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha kgetho ya mantswe e haellang. Sebedisa thutapuo ka bokgoni bo haellang, dibopeho tsa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo bo haellang ba setaele sa hae. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha tlhokeho ya kgetho ya mantswe e nang le boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara e loketseng, setaele kapa ho ikutlwahatsa.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahisa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwhalang.
Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano.
Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng.
O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Moqoqo ona ke wa kgang kapa wa ngangisano.
Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlha kemo ya hae kapa mohopolo o itseng.
O lokela ho hlahisa lehlakore le ho le ntshetsa pele mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae.
Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle.
Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlalosa ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng.
Ho ka hlaloswa motho kapa ho hong ho itseng.
Mofuta ona wa moqoqo ha o nke lehlakore mme sepheo sa ona ke ho nehelana ka maikutlo a lekanang mahlakoreng a mabedi a kgang.
Mohlahlobuwa a lekole mahlakore a fapaneng a sehlooho se hlaloswang ebe o nehelana ka dintlha tse hanyetsanang a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe.
Mohlahlobuwa a ka fihlela qeto e itseng pheletsong ya moqoqo, empa dintlha tse tshehetsang le tse kgahlanong di lokela ho lekalekana hantle le ho sekasekwa ka tekano ha mohlahlobuwa a ntse a ngola moqoqo.
KAROLO YA B: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA DITEMA TSA KGOKAHANO (TSE TELELE) Karolo ya B.
MORALO: Tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle bah ore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
SEBOPEHO: Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo.
Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima. Tema e batla e le telelele/kgutshwane. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. Tema e telelele/ kgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. O Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. O ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Diphoso tsa mopeleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang. Nehelano e babatsehang. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo. Nehelano e ntle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle. Nehelano e ntle. Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e kgotsofatsang. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e haellang. Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo. Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e fokolang.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Sebui se lelekele ditaba ka ho fumantshwa monyetla wa ho tla tshetleha puo.
Puo e sebediswang e lokela ho hlweka mme e be e nepahetseng.
Sebui se bue ka ditaba tseo se lokelang ho bua ka tsona.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
MORALO: Tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. E kgutshwane [2] SEBOPEHO: Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. 2 O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane 2 O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. 2 O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. 1 O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. 1 O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. 1 Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Ha ho moralo/ bopaki. ah ore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo. 0 Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo.
Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Bolelele bo nepahetse. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima. Tema e batla e le telele/ kgutshwane. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo. Tema e telele/ kgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Bopaki bo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kappa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle. Bopaki bo kgotsofa tsang bahore o badile hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo. Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima.
Nehelano e babatsehang. Nehelano e ntle haholo. Nehelano e ntle. Nehelano e amohelehileng. Nehelano e kgotsofatsang. Nehelano e haellang. Nehelano e fokolang.
Karolo ya C.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe.
Memorandamong ona ho nehelawe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Karete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Polelo e bulang metsotso e kenyelleditse letsatsi, nako le sebaka seo kopano e tshwaretsweng teng.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola phousetara ka ditaba tsa pitso.
Phousetara e lokela ho ba le sehlooho se tla hohela ba tla tla pitsong.
Dipolelo di lokelwa ho ngola ka tsela ya dintlha.
Puo e tla sebediswa e lokela ho kgothalletsa hore setjhaba se tle pitsong.
Ditshwantsho ha di hlokahale mofuteng ona wa phousetatra.
<fn>Sesotho SAL P1 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 7.
O ne a rata ho letsa katara / O ne a na le katara mme a e rata haholo.
Ba ne ba le bane.
Ke monate kapa monyaka o neng o le ha motswalle wa hae.
B. / ha letsatsi le latelang le tjhaba.
Ho besitswe nama/ monate e le ona o hanang ho phuthelwa ka kobo/ O hlotse ha monate ha motswalle wa hae a letsetsa batho katara/ Ho besitswe dinama, lefotha le aparetse motse.
Tjhe ha se toka ho nwa jwala moo ho nang le lefu, batho ba ileng moo ba lokela ho ya tshedisa beng ba mofu e seng ho ithabisa ka ho tahwa.
Mongodi o re bolella hore karolo eo ya Soweto e ne e na le mabone a seng makae feela hoo kganya ya teng le yona e neng e haella.
Motshwai a hlokomele hore dipolelo tse latelang ke mehlala feela.
Kabo ya matshwao: 1.
Palo ya mantswe 50.
Mopresidente Mandela ke mohale wa lefatshe ka bophara/ Mopresidente Mandela o ratwa lefatshe ka bophara.
Mopresidente Mandela e sa le a le kgahlano le karohano ya merabe.
O rata puso ya setjhaba ka setjhaba demokrasi.
Mopresidente Mandela o ntse a sebelletsa setjhaba le ha a se a le phomolong.
koloing ntlong/ tlong.
Lerato o fumanwe ke Kgahliso a se a le motjhining.
Mabone a seterateng a ne a sa bonesa.
Kgahliso ha a fumana mabone a timme.
A utlwa medumo v ya makoloi a fetang mmileng kantle.
Ntshwabiseng a tswa ka koloing eo ka mora metsotswana v e mmedi.
Kgahliso a leka ho thola empa qetellong a bua.
Ntshwabiseng a kena kamoreng ya bona mme a fihla a kena betheng a sa bue.
Kgahliso o ile a fetela dikobong hobane o ne a opelwa ke hlooho.
Kgahliso a botsa Ntshwabiseng hore na o tswa kae ka nako ee.
Kgahliso a botsa Ntshwabiseng hore ke sefe seo (yena) a se etsang.
Ntshwabiseng le Kgahliso ba v ile ba buisana ka bothata bona ba bona.
Koloi e ileng ya ema kantle e ne e le ya v ngaka e nngwe ya hona motseng oo.
Ntshwabiseng a itholela v tu! ha Kgahliso a mo fata dipotso.
Qetellong Ntshwabiseng a ikarabella v ka ho re le yena o na le tokelo.
Na nka o thusa?
Re na le diakhaonto tsa ho boloka tjhelete tse mmalwa/ngatanyana.
Akhaonto ya tjheke ke eng?
Na e etsa/tlisa phaello?
Ke a leboha.
<fn>Sesotho SAL P1 Feb-March 2009 Free State.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 15.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
E nngwe ya ditshebeletso tsa kgokahano tse nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng ke thelevishene. Boholo ba batho bo sebedisa tshebeletso ena ya thelevishene ho iphumanela tlhahisoleseding le ditaba tse ba hokahanyang le lefatshe. Ke e nngwe ya ditshebeletso tse matla ka ho fetisisa, e fanang le ka boithabiso ka nqa e nngwe.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi tsa thelevishene di tshwanela hore e be batho ba nang le boitshepo bo boholo, mme di lokela ho boheha ka nako tsohle. Mananeo a ratwang haholo thelevisheneng ke a ditshwantshiso. O ka qaboha ha o dutse le motho ya ratang tshwantshiso e itseng haholo. Ha o re o a mo qoqisa, o tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho. Helang, ha e sa le ho eba le dipapadi tsa dividiyo kapa tsa khomphutha, ba bang ba bana le baithuti ha ba sa tsotella hakaalo mesebetsi ya bona ya sekolo. Ke ho re motho ha a fihla lapeng, o se a le ho tsona, le dijo a se a sa di hopole.
Homme ditefello tsa tsona ha di jese ditheohelang. Di theko e phahameng, mme le ha ho le jwalo ba di reka ba sa tswa di reka. Akere jwale bonkeka ba di tlwaela kapele, ebe hosane ha ba sa batla ena hobane ba se ba e tseba haholo. Di mefuta e fapaneng. Ho teng tsa thuto ya Senyesemane, Mmetse le tsa Saense. Ho teng tsa dintwa tse tshabehang. Ho be teng tsa marato le tsa dipapadi.
Bahlahisi ba tsona ba kgothaletswa ho eletsa bareki ka sekgahla sa tsona. Ho bolelwa hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife. A re di etseng mohatla kgwiti. Tsena tsohle ke tse tlisitsweng ka sekgahla ke diphetoho tsa thekenoloji ho tsena tsa dikgokahano.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya puo, MG Molefe et al.
Bolela mofuta wa tshebeletso ya kgokahano eo ho buuwang ka yona mona temeng.
Hobaneng ha batho ba bangata ba sebedisa thelevishene?
Bolela diketso tse PEDI tse sa thabiseng batswadi tse etswang ke baithuti ha ba tswa sekolong.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi di kgothaletswa ho etsa eng Fana ka ntlha e le NNGWE?
Batho ba rata ho shebella lenaneo la ditshwantshiso feela thelevisheneng.
Tshehetsa karabo ya hao e ho POTSO 1.5.1 (e ka hodimo) ka lebaka.
Hobaneng ha batsamaisi ba mananeo le dibohodi di lokela ho dula di boheha ka nako tsohle?
Polelo ke ena: 'O tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho.'
Ke lebaka lefe le etsang hore batho ba bang ba etse ketso e bolelwang polelong ee?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na kgokahano ya seyalemoya kapa ya thelevishene e matla ho feta ya ho ka ipalla ditaba dibukeng kapa dikoranteng Hobaneng ha o realo?
Na o dumellana kapa o hanana le ho re bana ba se dumellwe ho shebella dividiyo tse itseng ka lebaka la dilemo tsa bona tse tlase Fana ka ntlha e le NNGWE e tshehetsang taba ena ho ya ka tjhebo ya hao?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ba ha PRINCIPAL HAIR DESIGN ba tseba ditlhoko tsa HAO tse ikgethang tsa moriri. Ho bona o ikgethile. Le dihlahiswa tsa bona tsa moriri di ikgethile jwalo feela. Ikgethele PRINCIPAL SODIUM HAIR RELAXERS e dumellanang le moriri wa hao, mme o be motlotlo ka moriri wa hao o bohehang, o phatsimang le ho hlokomeleha ka ho phethahala.
Sehlahiswa se bapatswang temeng e ka hodimo se hlahiswa ke khampane efe?
Bolela molemo o le mong wa ho sebedisa sehlahiswa sena.
Papatso ee e reretswe batho bafe setjhabeng?
Fana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao e ho POTSO 1.10.3.
Hobaneng ha lentswe lee 'ikgetha' le sebedisitswe ha ngata tjee papatsong e ka hodimo?
Ke mefuta e mekae ya sehlahiswa see e hlahellang papatsong?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Dilemo tsa ho kena keretjhe, ke nako ya bohlokwa bophelong ba ngwana. Ngwana ha a fihla dilemong tse 6, o se a na le boholo ba bohlale bo hlokehang. Ke nakong ena moo ho ahuwang motheo o nepahetseng thutong ya ngwana. Bana ba lokela ho rutwa boitshwaro bo botle le boikarabelo.
Ba fumana thuto ha ba le sebakeng se etsang hore ba sebedise dikelello. Ke mona keretjheng moo ba lokelang ho ithuta ka papadi. Ba lokela ho thabela ho ba sebakeng sena. Sena se etsahala ha bonolo ha matitjhere, le bana ba bang e le metswalle ya bona. Moya wa lerato, kutlwano le tshepano o tlameha ho ba teng.
Ka ha sebaka seo ba rutelwang ho sona e le sa bohlokwa, keretjhe ha e bulwe hohle. E lokela ho ba sebakeng se siretsehileng. Polokeho ya bana le bahlokomedi ba bona ke ntho ya bohlokwa. Ntle le moo, keretjhe e lokela ho ba sebakeng se kgutsitseng. Hape sebaka seo e be seo batswadi le bana ba ka fihlang ha bonolo ho sona.
Motho ya qalang keretjhe o lokela ho fumana dikeletso. A tsebe hore thuto ya bana e tsamaiswa jwang le mofuta wa matitjhere o lokelang bana ba dilemo tseo. Hape a tsebe hore a sebedise tjhelete jwang. Re lokela ho hopola hore keretjhe ha se sekolo feela ebile ke kgwebo.
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo a boela a nahana ka thata ka bana bana ba hae bao a setseng ka bona. ''Ke nnete Sebabatso le Paseka ke bana ba basetsana bao ka letsatsi le leng ba tla beng ba nyetswe ke batho. Ebe ha ho ka etsahala hore ba hlolwe ke lenyalo, ba tla phela jwang ha e le mo ke hloleha ho ba ruta Ha e le Lethoko le Teboho bona hohang ba ne ba lokelwa ke ho rutwa haholo hoja ke ne ke e na le bohona. Banna! Ha o tshaba o tshabe tshotleho. Dintho tsa rona le masimo a rona tsa tla tsa nkuwa ka sehloho. Jwale kajeno re fetohile makgoba lefatsheng la bontatarona. Letsatsi le letsatsi ke tsamaya ke apere diaparo tse malabulabu jwalo ka ha eka ha ke sebetse. Butle, ke utlwang! Ke leswahlaswahla la eng leo Jwale le ho ba lefifi ho se ho le lefifi, motho ha o sa bona hantle. Ere ke hoeletse. Molelekeng! Molelekeng! Ke nna bo!?
Bala dipolelo tse latelang, o ntano fana ka malatodi a mantswe a ntshofaditsweng.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo, a boela a nahana ka thata.
Masea a rata lefifi.
Temeng e ka hodimo ho na le mantswe a nang le moelelo o tshwanang (mahlalosonngwe) le a ntshofaditsweng dipolelong tse tla latela: Ngola mahlalosonngwe a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong. Ngola karabo feela.
Ke apere diaparo tse marantha.
Ba tla phela jwang ha e le moo ke sitwa ho ba ruta?
Sebabatso le Paseka ke banana.
Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng.
Lethoko lokela ke ho ruteha.
Baradi hae ke Sebabatso le Paseka.
O apara malabulabu ka lebaka ho hloka diaparo.
Jwale ba fetohile makgoba lefatshe.
Polelo ena: 'Ba tla be ba nyetswe ke batho', e boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala polelo e nngwe le nngwe ka mantswe ao o a filweng.
Makgoba a apere diaparo tse malabulabu.
Batho ba tshaba tshotleho.
Lentswe lena 'bona' polelong ena ''Lethoko le Teboho bona ba lokela ho rutwa motho o sa bona hantle tjena'' le sebedisitswe ka ditsela tse pedi tse hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng. Sebedisa lentswe lena 'rona' dipolelong tsa hao tse pedi tse fapaneng ho totobatsa meelelo e mmedi e sa tshwaneng.
Fana ka botona ba lentswe 'basetsana'.
Re fetohile makgoba lefatsheng la bomme.
Polelo ena: 'Ha ke sebetse', e kganyetsong/tatolong. Jwale fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ke nna bo!
Basetsana ba tla be ba nyetswe.
Lethoko le Teboho ba lokela ho (ruta) haholo.
Dintho tsa rona tsa (nka) ka sehloho.
Kajeno re (fetola) makgoba fatsheng labo rona.
Ngola polelo ena e le sebopehong sa puopehelo.
Boha setshwantsho sena o onto araba dipotso tse tla botswa hodima sona.
Difahleho tsa batho ba ditshwantshong tse pedi tse qalang di supa maikutlo afe?
Ke ka lebaka lang ha baithuti ba lelekisa Shoti?
Lebaka le etsang seo o se boletseng karabong e ka hodimo ho POTSO ya 3.10.2 ke lefe?
Setshwantshong sa ho qetela Shoti o re: 'Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Ebe o bolelang ka ho realo?
Ke ka lebaka la eng ha ho sebedisitswe letshwao la makalo dipolelong tse ding?
Halala, ke ne ke o kala kelello! Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Katleho le mahlohonolo dit hutong tsa hao.
O lehata la tswalo. Kaofela re itse Afrika Borwa!
Ke ba botsitse hore ke efe naha eo ditlhodisano tsa makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe o tiang ho tshwarelwa ho yona?
Bala tema ena e be o e ngola hape empa o se o lokisitse diphoso tsohle tse hlahellang ho yona, tse jwalo ka matshwao a puo, tshebediso e fosahetseng ya puo le mopeleto.
Ka lehlakoreng la banna, Maredi le yena o ne a etsa jwalo. everyday.
Mooki ya disitseng bosiu o ne a tseba hore Maipato a ka hlwedisa!
Maipato e ne e le modumedi wa sebele wa kereke e khatoloki.
Bosiung bo bong mookgo o ne a iballa khomiki a kgaleha.
Maipato a fihla mme Mookgo a phaphama Maipato a eme pela hae.
Bala tema ena e latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse itshetlehileng kutlwisisong ya hao ya yona.
Mofuta oo wa tema o ngollwa batho ka sepheo sefe?
Ka tlwaelo memo e tjena e ngolwa ke mang?
Dintlheng tse tsebisang baahi ka kopano ke ntlha efe ya bohlokwa e sa ngolwang memong?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang potsong ena.
Kopano e tshosang baahi.
Kopano e bitsitsweng ka potlako.
Kopano e kgothatsang baahi.
Lentswe lee 'ditshwarelo' le bolela eng?
Ebe mokgwa oo wa ho tsebisa baahi ka tsela ee o lokile Fana ka lebaka?
Dipotso tsohle tsa KAROLO YA D di theilwe hodima buka e le nngwe. Ho botsitswe dipotso tse pedi empa o lokela ho araba e le NNGWE feela. Kgetha POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
Ha o kgetha potso e itseng, araba dipotswana tsa yona KA BOBEDI.
Mohlala: Haeba o kgetha ho araba POTSO YA 5, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 5.1 le ho 5.2 ka bobedi. Athe ha o kgetha ho araba POTSO YA 6, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 6.1 le ho 6.2 ka bobedi.
Bala qotso ena, mme e be o araba dipotso tse e latelang.
Holenyana mona ka fumana monyetla wa ho qamaka le ho ikgodisa ka se neng se etsahala. Batho ba bang mona ba ne ba le bafubedi ba re tlere! ke madi. Ba ne ba ntshitswe kotsi ke terata e neng e kampetse seporo sa terene ka thoko. E ne e le terata e hoketsweng makapanyana a neng a shebahala jwalo ka mahare a bohale. Le nna ka qala ho itekola. Tsohle ho nna di ne di ntse di le maemong a nepahetseng. Ka mpa ka lokela ho phutlaphutla diphahlo tsa ka ka sakatuku feela ho tlosa lerole. Bonnete ke ne ke ipona ke le lehlohonolo ha e le mona ke sa ka ka tswa kotsi. Ka pelong ke leboha ha mokganni a ile a emisa terene ka nako eo ho neng ho etsahala tsena. Mahlo a ka a nna a ya le terene ena empa a se thulane le letho le tjhang. Le bapalami ba ka ntle ba nna ba kgutlela ka hare hape. Le ha ke ne ke belaela, ka iphumana ke kgutletse ka hare ho yona terene ena.
Mophetwa ya phetang ditaba tsena ke mang?
Ketsahalo ena eo re balang ka yona palekgutshweng ena e ne e etsahale tikolohong (sebakeng) ya...
mahaeng le ditoropong.
Mophetwa enwa o ne a leba kae ha ho etsahala moferefere oo?
Moferefere ona o bakilwe ke eng hantlentle?
Lebitso la palekgutshwe ena ke ''Naleng tsa phakwe!'' Hlalosa moelelo wa sehlooho sena o ipapisitse le ditaba tsa palekgutshwe ena.
Bala qotso ena mme o arabe dipotso tse e latelang.
Tlaleho a kgutlela lapeng mantsiboya. A fumana Teboho a kakalletse moalong moo a bileng a ntse a itjella dipompong. A bitsetsa Teboho ka phaposing e nngwe. Ha Teboho a kena, a mmolella hore o rata ho lekola mosebetsi wa hae wa sekolo mme a tlise dibuka kaofela ha tsona. Teboho a fela a di tlisa. Dibuka tsena di ne di qetetse ho tshwauwa nako e ka bang kgwedi jwale. A sheba Teboho nakwana a nto mmotsa hore na o ne a qetele neng ho ya sekolong. Teboho a mo araba ka ho re o qetetse ka lona lena letsatsi. Tlaleho a ema mme a tswa.
Tlaleho o ne a thusana le mosuwe ofe ho rarolla bothata ba Teboho ba ho se ye sekolong?
Ke leqheka lefe leo Tlaleho a ileng a le sebedisa ho etsa hore Teboho a etse mosebetsi wa hae wa sekolo?
Hobaneng Tlaleho a ne a bitsetsa Teboho ka phaposing e nngwe?
E ne e se e le nako e kae Teboho a qadile botlokotsebe boo ba ho se ye sekolong?
Ke eng seo mongodi a o rutang sona ho ya ka kutlwisiso ya hao ya palekgutshwe ee?
Bala qotso ena mme o arabe dipotso tse e latelang.
Motjhothjisi: ''Molahlehi Ponto, na lengolo leeke leo o neng o bua ka lona?
Molahlehi: ''Ee, ke lona ka sebele.'
Motjhotjhisi: ''Na o fela o bua nnete Le shebisise.?
Molahlehi o a le shebisisa: ''Ee, ke lona.'
Motjhothjisi: ''Lengolo lena ha se la hao. Ke la Jacob Patsi.'
Molahlehi ka boikokobetso: ''Jacob ke lebitso la ka la kereke. Ha Patsi e le sefane sa mme ya ntswalang. Ka nnete ke lengolo la ka leo. Sena sa ha Ponto ke sa ntate ya ileng a nyala mme ha nna ke ne ke se ke hlahile. Ntate wa madi ha ke mo tsebe.'
Molahlehi o qosetswa molato ofe?
Bopaki boo mmuso o neng o na le bona kgahlanong le Molahlehi ke bofe?
Lekgotla le ne le rera ho kgutlisetsa Molahlehi naheng efe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na ditaba tsa palekgutshwe ena di dumellana le sehlooho 'Hobaneng, mme' Hlalosa karabo ya hao?
Qetellong kahlolo ya lekgotla e bile efe?
Bala ditaba tse latelang ebe o araba dipotso.
Ha nako e fihla a kgutlela lapeng. Mona teng a fumana mosadi a se a boetse a kula. Sello o ile a sulafallwa ke tsohle ka mona ka tlong ha a elellwa hore Ntswaki o a kula. A sheba Ntswaki nakwana mme ha a qeta a nka lebanta le lelelele. Lebanta lena a tswa ka lona a se a bina sefela se reng, haufi le Morena. A ba a potela ka mora ntlo.
Morero wa Sello ka lebanta leo e ne e le ofe?
Na morero oo wa hae o ile wa phethahala Fana ka lebaka le netefatsang karabo ya hao?
Mathata a hae a ne a bakwa ke eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya palekgutshwe ee, ke eng seo mongodi a o rutang sona Hlalosa karabo ya hao ho ya ka ditaba tsa palekgutshwe ena?
<fn>Sesotho SAL P1 Feb-March 2009 Gauteng Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 9.
Ha ba sa tsotella ho etsa mesebetsi ya bona ya sekolo.
Ba shebella dipapadi tsa dividiyo ha ba fihla lapeng.
Ha ba sa ja dijo.
Ho bolela hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife.
Ke hobane ba rata ditshwantshiso mme ha ba batle ho hlotjhwa ha ba di shebelletse.
Ba be ba tsepamisitse maikutlo a bona setshwantshong seo ba se ratang.
Ee! Hobane kgokahano ya seyalemoya le theleveshene di etsa hore motho ya shebelletseng kapa ya mametseng a be le thahasello ya tsona ka ha o bona se etsahalang le ho se utlwa athe motho ya balang dibuka kapa dikoranta a ka nna a kgathala ho tswela pele ebe o a tlohela.
Tjhe! Ho ipalla dibuka kapa dikoranta ho thusa ka hore haeba o sa fumane sebaka sa ho bala ka nako eo o ka nna wa bala taba tseo ha o fumane nako ebile o ka ipolokela tsona ho re o tle o di sebedise ka le leng ha o di hloka athe thelevesheneng le seyalemoyeng mananeoa behelwa nako e itseng ebe ho kena a mang mme ha o fetuwe ke lenaneo o fetuwe.
Mohlahlobuwa a ka fana ka e nngwe ya dikarabo tse ka hodimo le ho tshehetsa ka dintlha tse ding tse nepahetseng ntle le tse ngotsweng.
E! hobane tse ding ke tse bontshang ditshwantsho tse tshosang haholo le tsa dintwa tse tshabehang tse sa lokelang ho shebellwa ke bana. Tse ding ke tsa marato, di hlahisa thobalano mme ketso ena ha e a lokela ho shebellwa ke bana.
Ka sepheo sa ho susumeletsa baamohedi ba ditaba ho reka sehlahsiwa sena.
Ke ho neha baamohedi ba ditaba moelelo wa hore 'moriri o sa hlokomelweng ka ho sebedisa sehlahiswa sa Superio Smooth Shape o ke ke wa otloloha hantle, jwalo ka ha setshwantsho sa thapo ya aene se se bontsha.
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe enepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Keretjhe e bohlokwa bophelong ba ngwana ya holang.
Ngwana o rutwa boitshwaro le boikarabelo bonyaneng.
Motheo wa bohlokwa thutong ya ngwana o qalwa keretjheng.
Bana ba ithuta hantle moo ba sebedisang kelello.
Polokeho ke ntlha e ka sehloohong ha ho thehwa keretjhe.
Motho ya qalang/bulang keretjhe o hloka dikeletso.
Keretjhe ha se sekolo feela hape ke kgwebo.
Diaparo tse malabulabu di aperwe ke makgoba.
Tshotleho e tshajwa ke batho.
Ntate wa rona o sebetsa Lesotho.
Mose ona rona Molelekeng hampe.
Ha se nna bo.
Basetsana ba tla be ba sa nyalwa.
Ke hobane ba halefile hobane o bua leshano kapa seo e seng sona.
O ba etsa diphoqo ka ho bua seo ba sa se buang. O bua leshano.
Le hlalosa hore o a tella mme o nyatsa kelello tsa batho. O rata ho tshehisa ba bang.
Ho hatella/matlafatsa/toboketsa se bolelwang.
Ho ba ruta mekgwa le meetlo e itseng, ho ithabisa, ho itlosa bodutu.
Ke nkgono ya bana/ mme wa monna/ matsale wa mosadi.
Ho bala (ditlhaku) habonolo.
A - wa ho bapala.
Tjhelete/ Tjhelete e a sebetswa.
Mmetli wa majwe.
<fn>Sesotho SAL P1 Feb-March 2009 Gauteng.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 17.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
E nngwe ya ditshebeletso tsa kgokahano tse nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng ke thelevishene. Boholo ba batho bo sebedisa tshebeletso ena ya thelevishene ho iphumanela tlhahisoleseding le ditaba tse ba hokahanyang le lefatshe. Ke e nngwe ya ditshebeletso tse matla ka ho fetisisa, e fanang le ka boithabiso ka nqa e nngwe.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi tsa thelevishene di tshwanela hore e be batho ba nang le boitshepo bo boholo, mme di lokela ho boheha ka nako tsohle. Mananeo a ratwang haholo thelevisheneng ke a ditshwantshiso. O ka qaboha ha o dutse le motho ya ratang tshwantshiso e itseng haholo. Ha o re o a mo qoqisa, o tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho. Helang, ha e sa le ho eba le dipapadi tsa dividiyo kapa tsa khomphutha, ba bang ba bana le baithuti ha ba sa tsotella hakaalo mesebetsi ya bona ya sekolo. Ke ho re motho ha a fihla lapeng, o se a le ho tsona, le dijo a se a sa di hopole.
Homme ditefello tsa tsona ha di jese ditheohelang. Di theko e phahameng, mme le ha ho le jwalo ba di reka ba sa tswa di reka. Akere jwale bonkeka ba di tlwaela kapele, ebe hosane ha ba sa batla ena hobane ba se ba e tseba haholo. Di mefuta e fapaneng. Ho teng tsa thuto ya Senyesemane, Mmetse le tsa Saense. Ho teng tsa dintwa tse tshabehang. Ho be teng tsa marato le tsa dipapadi.
Bahlahisi ba tsona ba kgothaletswa ho eletsa bareki ka sekgahla sa tsona. Ho bolelwa hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife. A re di etseng mohatla kgwiti. Tsena tsohle ke tse tlisitsweng ka sekgahla ke diphetoho tsa thekenoloji ho tsena tsa dikgokahano.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya puo, MG Molefe et al.
Bolela mofuta wa tshebeletso ya kgokahano eo ho buuwang ka yona mona temeng.
Hobaneng ha batho ba bangata ba sebedisa thelevishene?
Bolela diketso tse PEDI tse sa thabiseng batswadi tse etswang ke baithuti ha ba tswa sekolong.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi di kgothaletswa ho etsa eng Fana ka ntlha e le NNGWE?
Batho ba rata ho shebella lenaneo la ditshwantshiso feela thelevisheneng.
Tshehetsa karabo ya hao e ho POTSO 1.5.1 (e ka hodimo) ka lebaka.
Hobaneng ha batsamaisi ba mananeo le dibohodi di lokela ho dula di boheha ka nako tsohle?
Polelo ke ena: 'O tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho.'
Ke lebaka lefe le etsang hore batho ba bang ba etse ketso e bolelwang polelong ee?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na kgokahano ya seyalemoya kapa ya thelevishene e matla ho feta ya ho ka ipalla ditaba dibukeng kapa dikoranteng Hobaneng ha o realo?
Na o dumellana kapa o hanana le ho re bana ba se dumellwe ho shebella dividiyo tse itseng ka lebaka la dilemo tsa bona tse tlase Fana ka ntlha e le NNGWE e tshehetsang taba ena ho ya ka tjhebo ya hao?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ba ha PRINCIPAL HAIR DESIGN ba tseba ditlhoko tsa HAO tse ikgethang tsa moriri. Ho bona o ikgethile. Le dihlahiswa tsa bona tsa moriri di ikgethile jwalo feela. Ikgethele PRINCIPAL SODIUM HAIR RELAXERS e dumellanang le moriri wa hao, mme o be motlotlo ka moriri wa hao o bohehang, o phatsimang le ho hlokomeleha ka ho phethahala.
Sehlahiswa se bapatswang temeng e ka hodimo se hlahiswa ke khampane efe?
Bolela molemo o le mong wa ho sebedisa sehlahiswa sena.
Papatso ee e reretswe batho bafe setjhabeng?
Fana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao e ho POTSO 1.10.3.
Hobaneng ha lentswe lee 'ikgetha' le sebedisitswe ha ngata tjee papatsong e ka hodimo?
Ke mefuta e mekae ya sehlahiswa see e hlahellang papatsong?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Dilemo tsa ho kena keretjhe, ke nako ya bohlokwa bophelong ba ngwana. Ngwana ha a fihla dilemong tse 6, o se a na le boholo ba bohlale bo hlokehang. Ke nakong ena moo ho ahuwang motheo o nepahetseng thutong ya ngwana. Bana ba lokela ho rutwa boitshwaro bo botle le boikarabelo.
Ba fumana thuto ha ba le sebakeng se etsang hore ba sebedise dikelello. Ke mona keretjheng moo ba lokelang ho ithuta ka papadi. Ba lokela ho thabela ho ba sebakeng sena. Sena se etsahala ha bonolo ha matitjhere, le bana ba bang e le metswalle ya bona. Moya wa lerato, kutlwano le tshepano o tlameha ho ba teng.
Ka ha sebaka seo ba rutelwang ho sona e le sa bohlokwa, keretjhe ha e bulwe hohle. E lokela ho ba sebakeng se siretsehileng. Polokeho ya bana le bahlokomedi ba bona ke ntho ya bohlokwa. Ntle le moo, keretjhe e lokela ho ba sebakeng se kgutsitseng. Hape sebaka seo e be seo batswadi le bana ba ka fihlang ha bonolo ho sona.
Motho ya qalang keretjhe o lokela ho fumana dikeletso. A tsebe hore thuto ya bana e tsamaiswa jwang le mofuta wa matitjhere o lokelang bana ba dilemo tseo. Hape a tsebe hore a sebedise tjhelete jwang. Re lokela ho hopola hore keretjhe ha se sekolo feela ebile ke kgwebo.
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo a boela a nahana ka thata ka bana bana ba hae bao a setseng ka bona. ''Ke nnete Sebabatso le Paseka ke bana ba basetsana bao ka letsatsi le leng ba tla beng ba nyetswe ke batho. Ebe ha ho ka etsahala hore ba hlolwe ke lenyalo, ba tla phela jwang ha e le mo ke hloleha ho ba ruta Ha e le Lethoko le Teboho bona hohang ba ne ba lokelwa ke ho rutwa haholo hoja ke ne ke e na le bohona. Banna! Ha o tshaba o tshabe tshotleho. Dintho tsa rona le masimo a rona tsa tla tsa nkuwa ka sehloho. Jwale kajeno re fetohile makgoba lefatsheng la bontatarona. Letsatsi le letsatsi ke tsamaya ke apere diaparo tse malabulabu jwalo ka ha eka ha ke sebetse. Butle, ke utlwang! Ke leswahlaswahla la eng leo Jwale le ho ba lefifi ho se ho le lefifi, motho ha o sa bona hantle. Ere ke hoeletse. Molelekeng! Molelekeng! Ke nna bo!?
Bala dipolelo tse latelang, o ntano fana ka malatodi a mantswe a ntshofaditsweng.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo, a boela a nahana ka thata.
Masea a rata lefifi.
Temeng e ka hodimo ho na le mantswe a nang le moelelo o tshwanang (mahlalosonngwe) le a ntshofaditsweng dipolelong tse tla latela: Ngola mahlalosonngwe a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong. Ngola karabo feela.
Ke apere diaparo tse marantha.
Ba tla phela jwang ha e le moo ke sitwa ho ba ruta?
Sebabatso le Paseka ke banana.
Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng.
Lethoko lokela ke ho ruteha.
Baradi hae ke Sebabatso le Paseka.
O apara malabulabu ka lebaka ho hloka diaparo.
Jwale ba fetohile makgoba lefatshe.
Polelo ena: 'Ba tla be ba nyetswe ke batho', e boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala polelo e nngwe le nngwe ka mantswe ao o a filweng.
Makgoba a apere diaparo tse malabulabu.
Batho ba tshaba tshotleho.
Lentswe lena 'bona' polelong ena ''Lethoko le Teboho bona ba lokela ho rutwa motho o sa bona hantle tjena'' le sebedisitswe ka ditsela tse pedi tse hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng. Sebedisa lentswe lena 'rona' dipolelong tsa hao tse pedi tse fapaneng ho totobatsa meelelo e mmedi e sa tshwaneng.
Fana ka botona ba lentswe 'basetsana'.
Re fetohile makgoba lefatsheng la bomme.
Polelo ena: 'Ha ke sebetse', e kganyetsong/tatolong. Jwale fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ke nna bo!
Basetsana ba tla be ba nyetswe.
Lethoko le Teboho ba lokela ho (ruta) haholo.
Dintho tsa rona tsa (nka) ka sehloho.
Kajeno re (fetola) makgoba fatsheng labo rona.
Ngola polelo ena e le sebopehong sa puopehelo.
Boha setshwantsho sena o onto araba dipotso tse tla botswa hodima sona.
Difahleho tsa batho ba ditshwantshong tse pedi tse qalang di supa maikutlo afe?
Ke ka lebaka lang ha baithuti ba lelekisa Shoti?
Lebaka le etsang seo o se boletseng karabong e ka hodimo ho POTSO ya 3.10.2 ke lefe?
Setshwantshong sa ho qetela Shoti o re: 'Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Ebe o bolelang ka ho realo?
Ke ka lebaka la eng ha ho sebedisitswe letshwao la makalo dipolelong tse ding?
Halala, ke ne ke o kala kelello! Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Katleho le mahlohonolo dit hutong tsa hao.
O lehata la tswalo. Kaofela re itse Afrika Borwa!
Ke ba botsitse hore ke efe naha eo ditlhodisano tsa makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe o tiang ho tshwarelwa ho yona?
Bala tema ena e be o e ngola hape empa o se o lokisitse diphoso tsohle tse hlahellang ho yona, tse jwalo ka matshwao a puo, tshebediso e fosahetseng ya puo le mopeleto.
Ka lehlakoreng la banna, Maredi le yena o ne a etsa jwalo. everyday.
Mooki ya disitseng bosiu o ne a tseba hore Maipato a ka hlwedisa!
Maipato e ne e le modumedi wa sebele wa kereke e khatoloki.
Bosiung bo bong mookgo o ne a iballa khomiki a kgaleha.
Maipato a fihla mme Mookgo a phaphama Maipato a eme pela hae.
Bala tema ena e latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse itshetlehileng kutlwisisong ya hao ya yona.
Mofuta oo wa tema o ngollwa batho ka sepheo sefe?
Ka tlwaelo memo e tjena e ngolwa ke mang?
Dintlheng tse tsebisang baahi ka kopano ke ntlha efe ya bohlokwa e sa ngolwang memong?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang potsong ena.
Kopano e tshosang baahi.
Kopano e bitsitsweng ka potlako.
Kopano e kgothatsang baahi.
Lentswe lee 'ditshwarelo' le bolela eng?
Ebe mokgwa oo wa ho tsebisa baahi ka tsela ee o lokile Fana ka lebaka?
Dipotso tsohle tsa KAROLO YA D di theilwe hodima dibuka tse pedi. Ho botsitswe dipotso tse pedi empa o lokela ho araba e le NNGWE feela. Kgetha POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
Ha o kgetha potso e itseng, araba dipotswana tsa yona KA BOBEDI. Mohlala: Haeba o kgetha ho araba POTSO YA 5, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 5.1 le ho 5.2 ka bobedi. Athe ha o kgetha ho araba POTSO YA 6, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 6.1 le ho 6.2 ka bobedi.
Bala qotso ena, o nto araba dipotso tse e latelang.
Ba re e ne e re e le Mmutlanyana a ntse a itsamaela naheng. Yaba o utlwa dihohwana di ntse di lla. Jwale a fihla ho se seng a re: 'Kgele, ya tla ya ba monate melodi ke a o jwetsa. A ko letse hape ke utlwe.' Sehohwana sa letsa, sa letsa, sa letsa. Yaba Mmutlanyana o re: 'A ko nkadime le nna ke letse.'
Sehohwana sa hana sa re: 'Phalana ena ya ka ha e ke e tloha ho nna.' Mmutlanyana a re: 'Ke a o rapela hle mokane, nkadime mme ke letse hanyane feela ke o nehe.' Sehohwana sa hana. Yaba Mmutlanyana o a tsamaya. A tsamaya jwalo a swabile, feela a loha mano a ho iphetetsa.
Ka tsatsi le leng Mmutlanyana a fihla hape. A fumana Sehohwana se tswetse ka ntle ho metsi mme se ile le sephume sa boroko. Jwale a re: 'Ke sa tla o laya.' Mmutlanyana a ntsha bokwadi mokotleng wa hae a tlotsa sehohwana hore se hlolwe ke ho ntsha metsi, le hona ho ithoma. Yaba o utswa diphala, o a tsamaya. A di letsa, a di letsa a utlwa monate, jwale sehohwana sa phaphama. Sa batla diphala, sa di batla hohle, mme sa di hloka. Sa lla sa re: 'Phala tsa ka di kae wee?
Yaba se utlwa di se di letswa ke Mmutlanyana. Sa ya ka mora sefate sa leka ho ntsha metsi le ho ithoma. Sa lla haholo sehohwana sa batho jwale sa re: 'Ke shwelang wee ke Mmutlanyana?
Bolela mantswe a lelekelang tshomo.
Mophetwa wa sehlooho tshomong ee ke mang?
Ketsahalo ena eo re balang ka yona e ne e etsahalla tikolohong efe?
Mmutlanyana o ile a tshasa sehohwana ka eng e ileng ya etsa hore se hlolehe ho ntsha metsi le ho ithoma?
Qabang ya sehohwana le mmutla e bakilwe ke eng?
Mmutlanyana o ne a le maqheka mme o ile a qhekanyetsa diphoofolo tse mmalwa.
Ho ya ka ditaba tsa tshomo ena ke mang ya utlwisitsweng bohloko?
Bala qotso ena o nto araba dipotso tse e latelang.
Ba re e ne e re e le monna le mosadi ba se na bana. Mosadi o ne a kile a fumana bana habedi feela bona ba hlokahala ho sa tsejwe hore ba jelwe ke eng. Athe bana ba ipolaelwa ke nkgono wa bona, hobane yena a sa rate mma bona, ngwetsi ya hae.
Ka tsatsi le leng mosadi a fumana ngwana e mong hape. E ne e le ngwana wa ngwanana. Jwale nkgono wa ngwana a re lebitso ke Ditokotoko. E ne e le ngwana ya itswaletsweng hantle jwalo ka bana ba bang, feela a le botle ba ho tsotwa. Yaba nkgonwae o a mo honohela. Ka le leng la matsatsi, ha mmae a ya sedibeng, yaba o kopa matsalae ho tla mo salla le ngwana. Yaba o a tsamaya. Nkgono a thaba haholo hobane ona ke monyetla wa hore a phethe merero ya hae e ditshila.
Yaba nkgono o nka setloholo o ya le sona ha hae. A fihla a nka thipa a se poma le matsoho, yaba o pata ditho tsena hole ngwana a ntse a lla moo habohlokohloko. Yare ha a bona mma lesea a kgutla sedibeng, a potlaka a kgutlela ha ngwetsi.
Lapeng mma ngwana ha a fihla o rola nkgo, mme o utlwa leseanyana la hae le lla. Yaba o re: 'ngwana ka a tla a lla habohloko basadi, mme mo tlise ke mo nyantshe.' Yaba nkgono o ya ho lata ngwana. Ha fihla moo ngwana a robetseng teng, a hoa a re: 'jo nna nna we, ngwana ngwanaka o jelwe keng'.
Bana ba ne ba phethelwa ditshomo ka sepheo se itseng. Bolela bohlokwa bo le bong ba ditshomo boo o bo tsebang.
Ke mang ya neng a ntse a bolaya bana ba monna le mosadi bao ho buuwang ka bona moo?
Ditshomo tsee, di ne di phethwa nakong efe ya letsatsi?
Fana ka lebitso leo nkgono wa ngwana a ileng a mo reha lona ha a hlaha.
Ha ngwana a tla ponngwa matsoho mmae o ne a ile kae?
Lebaka le neng le etsa hore nkgonwae a mo pome matsoho ke lefe Hlalosa ka botlalo?
Ka puo e tlwaelehileng mantswe aa 'botle ba ho tsotwa', a bolela eng?
Bala qotso ena o nto araba dipotso tse e latelang.
Ha ke lebale hlahlobo ya pele eo ke neng ke e ngole bophelong ba ka. Ha ke bua ka hore ke ne ke e ngole, ha ke bue nnete hobane re ne re e ngole. Ke sa hopola hantle letsatsi leo, hobane ke lona letsatsi la pele leo ke le hopolang sekolong. Ka utlwa ke bolellwa hore ke ne ke ye sekolong le kgaitsedi ya ka, ke bapala teng. Ke a bona ke ne ke ithute hona ka nako eo, ke ntse ke bapala jwalo ka bo-a, e, i, o, u empa mohlang oo ke a bona e ne e le mohla ho elang mahlong mona.
Ke sa utlwa hantle mohla lebitso la ka le neng le bitswa mme re emiswa ka ntle. Re bolellwa hore re bale. Ke hopola hantle hore hona mohlang oo ke ne ke bone ditlhaku e se e le mantswe mme ke a bala ha bonolo. Le kajeno ha ke nahana letsatsi leo ke ye ke utlwe hore ka nnete mohlolo o ne o etsahale hona tsatsing leo. Ke eng ena e neng e le ka hloohong ya ka ka mona e entseng hore ditlhaku di bonahale e le mantswe, e leng hona hoo bana ba bang ba neng ba sitwa ho ho etsa E seng mohlomong ke ne ke ena le ntho e nthusang ka hloohong ka mona, e 'nkopiletsang'?
Hlahlobo eo mopheti a reng a ke ke a e lebala le kgale ke efe?
Ditaba tsa pale ee di ne di etsahalla sebakeng sefe?
Mopheti wa ditaba tse hlahelang moqoqong oo ke mang?
Ke mohlolo ofe oo mopheti a buang ka wona ho ya qetellong ya qotso ee?
Ha lebitso la mopheti le bitswa ho ne ho thwe a etse eng?
Ho ya ka pale ee, o ka re mopheti o ne a le sehlopheng sefe?
Ho ya ka mopheti, o ka re mokgwa oo ba neng ba rutwa ka ona e ne e le ofe Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang?
Bala ditaba tse latelang ebe o araba dipotso.
Hoba e matla tjhelete, ngwaneso. Ba tsebang ba re e a bua. Ha se feela batho ba bangata ba sebetsang ha boima. Ha se hore ba a rata, ba mpa ba leka hore ba be le e ngatanyana. Ba bang ba bile ba qetella ba sebetsa mesebetsi e itseng, eo pelo tsa bona di sa e rateng, feela hobane e na le tjhelete e ngata. Qetellong re be re fumane motho ya bopetsweng ho sebetsana le dikgomo a sebetsana le batho, a ba tshwere jwalo ka ha eka ke tsona dikgomo. Kapa re makale ha re bona ngaka e hofolaka batho feela ha e re e a ba hlahloba, athe e mpa e le mmetli wa mapolanka kapa majwe, ya fetohileng ngaka ka baka la ho latella tjhelete.
Ke itse batho ba bangata ba sebetsa ha boima moo ba habileng hore ba mpe ba be le tjhelete e ngata. Empa ho ba bangata ekare ha se nnete hore ha o sebetsa haholo ka mehla o tla ba le tjhelete e ngata. Ke ba bakae ba thuhakang, ba kakasakang, ba mathakang ba rongwa, ba hlatswakang tsatsi lohle, ba mpa ba fumana disentenyana di se kae feela Athe ba bang ba tsohang phoka e se e bile e le siyo, ba kgutlelang hae ha meriti e qala hore e a thea feela, ba e ola ka sekotlolo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka reha ditaba tsa pale ee sehlooho sefe?
Ho tswa qotsong bolela dintho tse NNE tseo batho ba di etsang ho fumana disentenyana.
Ngaka e hofolakang batho e tshwantshwa le batho bafe ba babedi?
Ke mokgabisopuo ofe o fumanwang moleng oo, 'a ba tshwere jwalo ka ha eka ke tsona dikgomo'?
Batho ba tsohang phoka e sa letse ke ba tsohang neng?
<fn>Sesotho SAL P1 Feb-March 2009 Memo Free State Final.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 9.
Ha ba sa tsotella ho etsa mesebetsi ya bona ya sekolo.
Ba shebella dipapadi tsa dividiyo ha ba fihla lapeng.
Ha ba sa ja dijo.
Ho bolela hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife.
Ke hobane ba rata ditshwantshiso mme ha ba batle ho hlotjhwa ha ba di shebelletse.
Ba be ba tsepamisitse maikutlo a bona setshwantshong seo ba se ratang.
Ee! Hobane kgokahano ya seyalemoya le theleveshene di etsa hore motho ya shebelletseng kapa ya mametseng a be le thahasello ya tsona ka ha o bona se etsahalang le ho se utlwa athe motho ya balang dibuka kapa dikoranta a ka nna a kgathala ho tswela pele ebe o a tlohela.
Tjhe! Ho ipalla dibuka kapa dikoranta ho thusa ka hore haeba o sa fumane sebaka sa ho bala ka nako eo o ka nna wa bala taba tseo ha o fumane nako ebile o ka ipolokela tsona ho re o tle o di sebedise ka le leng ha o di hloka athe thelevesheneng le seyalemoyeng mananeoa behelwa nako e itseng ebe ho kena a mang mme ha o fetuwe ke lenaneo o fetuwe.
Mohlahlobuwa a ka fana ka e nngwe ya dikarabo tse ka hodimo le ho tshehetsa ka dintlha tse ding tse nepahetseng ntle le tse ngotsweng.
E! hobane tse ding ke tse bontshang ditshwantsho tse tshosang haholo le tsa dintwa tse tshabehang tse sa lokelang ho shebellwa ke bana. Tse ding ke tsa marato, di hlahisa thobalano mme ketso ena ha e a lokela ho shebellwa ke bana.
Ka sepheo sa ho susumeletsa baamohedi ba ditaba ho reka sehlahsiwa sena.
Ke ho neha baamohedi ba ditaba moelelo wa hore 'moriri o sa hlokomelweng ka ho sebedisa sehlahiswa sa Superio Smooth Shape o ke ke wa otloloha hantle, jwalo ka ha setshwantsho sa thapo ya aene se se bontsha.
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe enepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Keretjhe e bohlokwa bophelong ba ngwana ya holang.
Ngwana o rutwa boitshwaro le boikarabelo bonyaneng.
Motheo wa bohlokwa thutong ya ngwana o qalwa keretjheng.
Bana ba ithuta hantle moo ba sebedisang kelello.
Polokeho ke ntlha e ka sehloohong ha ho thehwa keretjhe.
Motho ya qalang/bulang keretjhe o hloka dikeletso.
Keretjhe ha se sekolo feela hape ke kgwebo.
Diaparo tse malabulabu di aperwe ke makgoba.
Tshotleho e tshajwa ke batho.
Ntate wa rona o sebetsa Lesotho.
Mose ona rona Molelekeng hampe.
Ha se nna bo.
Basetsana ba tla be ba sa nyalwa.
Ke hobane ba halefile hobane o bua leshano kapa seo e seng sona.
O ba etsa diphoqo ka ho bua seo ba sa se buang. O bua leshano.
Le hlalosa hore o a tella mme o nyatsa kelello tsa batho. O rata ho tshehisa ba bang.
Ho hatella/matlafatsa/toboketsa se bolelwang.
O ne a leba hae.
Mosadi e mong o ne a ile a hoa a re terene e a tjha.
Lebitso lena le bolela ho pholohile bothateng bo boholo ka tsela ya mohlolo. bb Ho ya ka ditaba tsa palekgutshwe ena, ho bonahala Nkokoto a batlile a e shwa tereneng hoba o ile a lahlelwa ka ntle tereneng e neng e matha, mme a iphumana a se a le sepetlele.
La ho hlahloba dibuka tsa hae tsa sekolo ka mehla.
O ne a se a utlwetse hore mora ha a tsamaye sekolo, mme jwale o ne a batla ho buisana le yena.
Dibeke tse ka bang tharo.
Mpho e makatsang eo e ne e le mpho ya ntlo. b Batswadi ba Teboho ka bobedi ba ne ba ngotse lengolo (le neng le le lebokoseng) le hlalosang hore ba mo file ntlo.
Ho thwe ha se moahi wa Afrika Borwa.
Letshwao la ente sephakeng/ letsohong la hae.
Molahlehi o nkile sefane sa ntate ya neng a nyale mmae kaha ntatae ya mo tswalang o ne a balehe.
E, b di dumellana le sehlooho hobane Molahlehi o botsa lebaka le etsanag hore e be o phetse ha bohloko hakaalo.
Molahlehi o fumanwe a se molato.
Sello o ne a batla ho ipolaya/iphanyeha.
Tjhe, b hobane moahisani o ile a ile a mo bona mme a mo eletsa ho se etse ketso eo.
Sello o ne a feletswe ke mosebetsi mme mohatsae a kula.
Palekgutshwe ena e re ruta hore bophelo bo thata b b (bo naka di maripa) hobane palekgutshweng ena re bona Sello a lahlehelwa ke mosebetsi ka nako eo mohatsae a kulang.
<fn>Sesotho SAL P1 Nov 2009 (Free State).txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 15.
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Ba ne ba ntse ba ngola ha ba tla utlwa motho a kokota monyako. Ba emisa ho ngola ba sheba ka nqa ya ka moo ho kokotwang ka teng. Ha ba tadima ba bona monnamoholo e mokgutshwane a eme monyako. O ne a ntse a hwehla ka letsoho ho bontsha hore o batla ho bua le titjhere e ntseng e ngola le yona. Bana ba hweshetsa ho bontsha hore ho na le motho monyako. Titjhere ha a hetla, a bona monnamoholo enwa a se a suthile a eme thokwana mane tlasa sefate. A mo atamela ba buabua, monnamoholo a ntse a supasupa e ka o ntse a mmontsha ho hong mmeleng.
Ha a ntse a mmontsha yaba titjhere e ntse e oma ka hlooho ho bontsha hore e utlwisisa seo monnamoholo a buang ka sona. Ra bona titjhere e se e itshetjha e ntsha ho hong ho kang tjhelete ka pokothong a ho neha monnamoholo enwa. Le yena a oma ka hlooho ho bontsha hore o a leboha. Monnamoholo a tsamaya. Titjhere a boela ka phaposing ya ho rutela. Ha a fihla, a fihla a keketeha pele a hlalosa hore o qabolwa ke eng.
Titjhere o re o ile a shapa ngwana monnamoholo enwa, jwale monnamoholo o na le tletlebo ka taba eo. Ho bonahala ha ngwana a ile a phetela ntatae hore titjhere o ba shapile bohle ka phaposing empa yena o shapuwe ho feta bana ba bang. Ya eba taba ya mohlolo hobane ba bang bana bao eo a shapuweng le bona ba teng sekolong ebile ba ntse ba rutwa ka phaposing. Yena o lofile sekolong a bolela hore ha ntatae a sa yo bua le titjhere, a ke ke a hlola a beha leoto la hae sekolong. Seo titjhere a neng a se ntsha pokothong e ne e le tjheletenyana eo a neng a re monnamoholo a tle a reke Zambuk ya ho tshasa metopa ya ngwana. Ke wona mohaunyana oo a ka mo etsetsang wona.
Ke lebaka lefe le entseng hore bana ba emise ho ngola ka phaposing?
Hlalosa seemo sa motho eo ya neng a eme monyako ka botlalo.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa sehlotshwana sa mantswe a ngotsweng ka mongolo o sekamisitsweng dipolelong tse latelang. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa lenaneng leo o le filweng. Ngola nomoro le karabo feela.
Ha motho a phahamisitse letsoho a bontsha e mong hore a tle kapa a atamele ho yena re re o a mo...
Ha batho ba buela fatshe mme ba sa batle ho hlodiya re re ba a...
Ke ketso efe e bontshang hore titjhere o ne a se a utlwisisa seo monnamoholo a mmontshang sona?
Bolela hore na polelo e latelang ke nnete kapa mafosi ho ya ka ditaba tsa tema o nto tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Titjhere o ile a fa monnamoholo Zambuk.
Bana bohle ba ne ba shapuwe mme bohle ba tlile sekolong empa enwa wa monnamoholo o lofile. Ebe phapang ke efe ho shapuweng hoo ha bona?
Na ketso ee e entsweng ke titjhere e a amoheleha ya ho shapa bana ho ya ka molaotheo wa naha ya rona Tshehetsa karabo ya hao?
Na ho lofa ha ngwana eo sekolong ho ne ho tla lokisa bothata boo ba ho shapuwa ke titjhere Tshehetsa karabo ya hao ho ya ka kutlwusiso ya hao?
Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa e hlalosang se bolelwang ke polelo ena e latelang: Ya eba taba ya mohlolo e hlalosa ho re ...
Ke nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
Ke taba e swabisang.
Ha se nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
Panado ya bana e fumaneha ka sebopeho sa mokedikedi le sa dipidisi tse hlafunwang. Panado ya mokedikedi e tsebahala ka dibotlolo tse pedi tse lekanang, e nngwe e tshetse seturupu se setala ha e nnqwe e tshetse seturupu se se kgubedu. Botlolwana e nyenyane ke ya marothodi mme e etseditswe masea feela. Tjhupu ya kgalase e sebedisetswa ho hula marothodi botlolong eo e nyenyane ebe a rothisetswa ka molomong wa lesea.
Ke dintho dife tse PEDI setshwantshong see, tse bontshang hore sehlahiswa sena se etseditswe bana?
Sehlahiswa see se fumaneha ka dibopeho dife tse PEDI?
Phapang ke efe pakeng tsa setshelo se tshetseng dipidisi le setshelo se tshetseng mokedikedi?
Ke ka lebaka lefe ha ho sebediswa tjhupu botlolwaneng e nyenyane?
Na bana ba lokelwa ke ho nwa dipidisi tseo ka metsi Tshehetsa karabo ya hao?
Ho ya ka wena, o ka re papatso ee reretswe bomang setjhabeng?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha. Mabaka a mangata ao e leng sesosa sa palo ena. A mang a ona ke palo e kgolo ya dikgutsana tseo batswadi ba tsona ba bolawang ke AIDS, tlhekefetso malapeng le bofutsana. Ho bolela Shange.
Setjhaba se hloka ho rutwa hore se se fe bana bana ba mebileng tjhelete kapa tsona dijo. Tjhelete ena eo ba e fuwang ke sesosa se seholo sa ho phela mebileng ho e na le malapeng kapa matlong a tlhokomelo. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba bona eka ke bokgopo.
Bana bana ha ba nahane letho ka bokamoso ba bona. Ntho e bohloko feela ke ho re bana bana ba shwella mebileng moo. Ba phela hara tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi, bohlola le tsohle tse mpe. Hang ha ba fetoha makgoba a dithethefatsi, ba ka bolaya motho moo ba batlang botlolo feela ya sekgomaretsi.
Mekgatlo e hlokomelang bana ba mebileng ha e a dumellwa ho ba tlosa moo ka sheshe le ha e le hore ba a lematsana athe le mapolesa a ka ba tlosa moo ha feela ba se ba tlotse molao.
Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng, ba shebana mahlong, yaba ba ya fatshe ke ditsheho. Motho a re, "hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso. O qadile hantle, wa nkgono; ke a dumela hore o monna e seng monnanyana. Le nna o tla qala ho mpona na motho ke ye ke mo etse jwang ha a le tjena ka Hipo. Haeba Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri, e tla ba le yena ke ntja e jwalo; motho a nyalane le lehlena a ntse a le bona ebe o re o tla itshokollela ntho ya hae e be e loke Fariki ke fariki ha e sa tla ba motho le kgale. Le ha a ka atleha, feela hopola hore ntja e boela mahlatseng a yona, fariki e boele seretseng ha e qeta ho hlatsuwa. Ke tseba ditaba etswe lebitso la ka le mpaka jwalo! Ha ke moshanyana wa maobane; thola wena o tla mpona hantle". Ba boela ba hasana ke ditsheho ha ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng ka sutu e bosootho bo fifetseng empa jwale e le kgwadi ke seretse, mobu le tse tswang ka maleng, hodimo le tlase. Ba tsheha, bao batho, ba utlwa monate o utluwang ke batho ba bang ha motho a hlahetswe ke tse babang, e seng lefu, empa tse mo tlontlollang, tse mo theolang boemong boo a leng ho bona, ba lebale hore 'pitsi ho kgotjwa e maoto mane' hore le bona le tla ba tjhabela mme le bona ba utlwe bohloko, ba lle bosiu le motsheare. Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya, ka bone, ka bohlano, ka bobedi?
Nehelana ka mahlalosonngwe/disinonime kapa mantswe a nang le moelelo o tshwanang le a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang.
Raditaba o dumela hore kolobe e ke ke ya fetoha motho le kgale.
Banna bao ha ba rate ha Dikeledi a ka nyalwa ke nyalasi e jwalo.
Polelong ena 'Mohau o lokela ho thola ha motho e moholo a bua le wena' lentswe le ntshofaditsweng moelelo wa lona o sebedisitsweng polelong eo ke 'ho se bue letho'. Ha moelelo o mong wa lona e ka ba o latelang, 'Kelebohile o ile a thola tjhelete ha a ne a ya thoteng.' Ipopele dipolelo ka lentswe le latelang e le ho totobatsa meelelo e mmedi e fapaneng.
Polelong e latelang ho sebedisitswe nyenyefatso: 'Ke a dumela hore o monna e seng monnanyana.' Fetolela mantswe a ntshofaditsweng nyenyefatsong.
Hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso.
Sutu e ne e fifaditswe ke mobu le tse tswang ka maleng.
Bala dipolelo tse latelang o ntano fana ka malatodi (diantonimi) a mantswe a ntshofaditsweng.
Hona ke qaleho ya morero wa rona.
Batho ba boela ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng.
Polelo ke ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri'.
Mantswe a ntshofaditsweng ke mabitso.
Polelong ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja' lentswe nyalwa le boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala dipolelo ka mantswe ao o a fuweng.
Le jwalo le tla ba tjhabela le bona.
Ke tseba ditaba etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Lentswe 'phuthehong' polelong ena: 'Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya', ke lehlalosi la sebaka/tulo. Ngola polelo e latelang empa o fetole lentswe le ka masakaneng hore le be le sebopeho sa lehlalosi la sebaka/tulo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ne ba le teng (mokgopi) oo.
Ha motho a ya (lefu) o ela ho ya tshedisa ba hlahetseng ke tse babang.
Maele ana: 'Pitsi ho kgotjwa e maoto a mane,' a bolela eng ho ya ka moo a sebedisitsweng ka teng temaneng. Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang.
Motho a ka kgotjwa ha a tsamaya majweng.
Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
Le ha o ka ba le maoto a mane jwalo ka phoofolo o tla nne o kgotjwe.
Motho o etsa phoso ka sepheo sa ho utlwisa e mong bohloko.
Polelong ena: Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng. Mantswe a ntshofaditsweng ke mahokedi, mme a thusa ho phethahatsa moelelo polelong. Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng dipolelong tsena.
Raditaba ka botjena bona ba hae, a phetela motswalle wa hae tseo yena a boneng ditorong tsa hae.
Polelo ena. 'Ebe o re o tla itshokolela ntho e be e loke' e sebopehong sa potso. Fetolela polelo ena e latelang sebopehong sa potso. Qala polelo ya hao ka lentswe lena, 'na'?
Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng.
Polelo ena, 'Le nna le tla mpon' e ho lekgathe letlang.
Ba boela ba hasana ka ditsheho.
Ngola dipolelo tsena hape o se o lokisitse diphoso tse ngotsweng ka mongolo o motsho.
Polelong ena, 'O qadile hantle, wa nkgono,' ho sebedisitswe lerui 'wa nkgono'.
Bala ditaba tsa lengolo le latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse latelang.
Ke o ngolla lengolo lena ke kgathatsehile haholo ka seo mora a ntsebisitseng sona mabapi le tse etsahalang sekolong. Ke utlwa hore e se e le matsatsi a mararo dithuto di sa tsamaye hantle. Jwalo ka e mong wa setho sa lekgotla la kemedi ya batswadi, ha ke eso fumane tsebiso ho tswa ho wena mabapi le taba ena. Ebe ho etsahalang sekolong moo Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa?
Ngola phoso e le nngwe feela e bontshang hore ho na le ho fosahetseng sebopehong sa lengolo lena.
Ngola qetelo ya lengolo lena.
Ho latela dikahare tsa lengolo lee, o ka fa ditaba tsee sehlooho sefe?
Qotsa polelo ho tswa temeng e senyang ditaba tsa lengolo lena.
Ebang bomonghadi Mofokeng ba babedi sekolong, ke eng se ka etsuwang hore lengolo le fihle matsohong a eo le reretsweng yena?
Maemo a moamohedi wa lengolo mona ke afe?
Bala ditaba tsa tema ena o ntano araba dipotso tse thehilweng hodima yona.
Bomme, kenang le iponele ka bolona. Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela ka letsatsi.
Lwantshang theko tse hodimo tsa dijo. Lebenkele la Bataung Traders, Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang. Bonkgono ba fumana theolelo ya 10%.
Ditaba tsa papatso e ka hodimo di reretswe bomang?
Na bontate ba dumelletswe ho reka lebenkeleng lee Ke ka lebaka la eng ha o realo?
Bolela hore polelo e sehetsweng mola ke nnete kapa mafosi o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka.
Na polelo ee ke ntlha kapa mohopolo feela: Lebenkele la Bataung Traders Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang! Fana ka lebaka la karabo ya hao.
Qolla polelwana e nang le tshusumetso e ka hohelang bareki ho tla lebenkeleng lena.
Dipotso tsohle tsa KAROLO YA D di thehilwe hodima buka e le nngwe, e leng ya 'Makumane a thata a bophelo'.
Ho botsitswe dipotso tse pedi (POTSO YA 4 le POTSO YA 5) bukeng ena. Mohlahlobuwa o TLAMEHA hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba POTSO YA 4, a arabe le dipotswana tsa yona ka BOBEDI (4.1 le 4.2). Ebang a sa etse jwalo, a kgetha ho araba POTSO YA 5, le teng a arabe dipotswana tsa yona ka BOBEDI (5.1 le 5.2). Kgetha mme o arabe POTSO YA 4 KAPA POTSO YA 5.
Araba POTSO YA 4 kapa POTSO YA 5.
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Seteisheneng sa Germiston ha koloi ena ya motlakase e re kgekgenene, ka bitswa fatshe nna moshana ya jwalo. Ke ne ke se ke habile yane e neng e se e eme mane boemelong. Ka matha lepatlapatla ho ya e laumela. Athe le yona e ne e se e hula nakong ena, eka e baleha ha e mpona. Ka ha ke holetse mona Johannesburg mme e le kgale ke palama terene, ka e kgorohela sa ntja lekesi e lelekisa mmutla o lebelo, leheshane. Lemati la terene ena le ne le se le setse hanyenyane feela le kwalehe. Ka le qhautsa leoto la ka le se ntse le tila habedi hararo fatshe. Ka qetella ka ho le akga ha terene ena e qetella ho tswa mona boemelong. Tjhe, ka fela ka iphumana ka hare ho mala a yona.
Nakong ena ke ne ke se ke phefomolohela hodimo.
Ditaba tsena di etsahala ka letsatsi lefe la beke?
Mophetwa wa sehlooho paleng ena ke mang Nehelana ka lebaka hobaneng o re jwalo?
Koloi ya motlakase' eo mopheti a buang ka yona moleng wa pele wa qotso e ne e le eng hantlentle?
Mophetwa enwa o ne a entseng ha a tla kgakgathwa ke batho ka tereneng?
Ditaba tsena di ne di etsahala profensing efe ya Afrikaborwa?
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Ka ha Teboho a ne a sebetsa ka thata dithutong tsa hae, a iphumana a atleha selemo le selemo ho fihlela a re qiti, maphethelong. A qeta dithuto ka maemo a hodimo a bileng a mo tlisetsang mantswe a tlotla ho hlaha barupeding ba hae. Bongata ba bona ba bile ba mo kgothaletsa ho ka ruta hona mona sekolong sena sa Tshiya. Empa hobane Teboho a ne a rata ho ka ruta haufi le moo a holetseng, a hlokisa kopo ena sebaka mme a e qhelela ka thoko.
Pudumo Moriri e ne e le mosuwe wa Teboho ha a bala sehlopha sefe?
Ha Tlaleho a hlokomela hore Teboho o na le bothata ka thuto e itseng, o ne a etsa eng ho thusa mora wa hae?
Hobaneng ha Tlaleho a ne a roma Teboho lebenkeleng empa a sa mmolelle seo a lokelang ho se reka?
Mosadi wa Tlaleho ke mang?
Teboho o ne a llelang ha a sheba ntatae mohla mokete wa dikapeso tsa bona?
Omfolopo ya letsatsi la tswalo la Teboho e ne e ngotsweng ka ntle?
Diomfolopo tseo tsa dimpho tsa Teboho di ne di bolokilwe ho mang?
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Ba ne ba bonahala ba le bohlokong ka palenyana ena ya hae. Molahlehi a emiswa lebokoseng la boqosuwa hape. Kgetlong lena moahlodi a mmotsa hore na o sa tla rata ho tswela pele ka ho kgodisa lekgotla ka tsitlallelo ya ho ba moahi wa Afrikaborwa. Tjhe Molahlehi a latola. Motjhotjhisi, ''Molahlehi Ponto, o ile wa kgutla neng Lesotho'' Molahlehi, ''Ka morao ho dilemo tse mmalwa, ke ile ka kgutlela mona naheng.?
Lebitso la malome wa Molahlehi ya neng a dula le yena mme a mo sotla ke mang?
Sefane (seboko) seo Molahlehi a neng a tsejwa ka sona teronkong ke sefe?
Lebaka le entseng hore Molahlehi a qetelle a dula le malomae ke lefe?
Hobaneng ha batho ba batsho ba ne ba falliswa ka kgang motseng wa Dindela?
Mohlokomedi wa Molahlehi o ne a tshwarelwa lebaka lefe motseng wa Dindela?
Molahlehi o isitswe Lesotho ha mmangwanae a le dilemo tse kae?
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Metsotso ha ho otla e ka bang mashome a mabedi ka morao ho hora ya leshome, mane sekolong ha fihla mohlahlobi wa dikolo. Nakong ena mosuwehlooho o ne a ntse a dutse ka kantorong ya hae a lokisa dibuka tsa sekolo. Lerata ka diphaposing le le hodimo eka la dinotshi. Mohlahlobi ha a fihla a ya lekola se etsahalang mona diphaposing. Ka lehlohonolo e ne e se motho ya tumileng haholo mme ka lebaka leo o ne a sa tsejwe ke bana ba bangata ba sekolo. Sena hee se ile sa mo fumantsha monyetla o moholo ho ka hlahloba sekolo ntle le ho hlokomeleha ka pele. A nna a ya jwalo le diphaposi ho fihlela a be a di qeta kaofela. Ha a qetile a ya kantorong ya mosuwehlooho.
Ke mosuwe ofe ya neng a nwa le barutwana ka nako ya sekolo?
Na ke ntho e ntle ha mosuwe a nwa le barutwana Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang?
Mosuwe eo o ne a sebetsa sekolong sefe?
Hobaneng ha mosuwehlooho a ne a mema mohlahlobi ho tla sekolong sa hae?
Mohlahlobi o ile a eletsa mosuwehlooho ka ho reng?
Lebitso la mohlahlobi eo ke mang?
Ha mosuwehlooho a fihla tameneng, o fumane mosuwe ya nwang le barutwana a ntse a etsa eng?
<fn>Sesotho SAL P1 Nov 2009 (Gauteng).txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 17.
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Ba ne ba ntse ba ngola ha ba tla utlwa motho a kokota monyako. Ba emisa ho ngola ba sheba ka nqa ya ka moo ho kokotwang ka teng. Ha ba tadima ba bona monnamoholo e mokgutshwane a eme monyako. O ne a ntse a hwehla ka letsoho ho bontsha hore o batla ho bua le titjhere e ntseng e ngola le yona. Bana ba hweshetsa ho bontsha hore ho na le motho monyako. Titjhere ha a hetla, a bona monnamoholo enwa a se a suthile a eme thokwana mane tlasa sefate. A mo atamela ba buabua, monnamoholo a ntse a supasupa e ka o ntse a mmontsha ho hong mmeleng.
Ha a ntse a mmontsha yaba titjhere e ntse e oma ka hlooho ho bontsha hore e utlwisisa seo monnamoholo a buang ka sona. Ra bona titjhere e se e itshetjha e ntsha ho hong ho kang tjhelete ka pokothong a ho neha monnamoholo enwa. Le yena a oma ka hlooho ho bontsha hore o a leboha. Monnamoholo a tsamaya. Titjhere a boela ka phaposing ya ho rutela. Ha a fihla, a fihla a keketeha pele a hlalosa hore o qabolwa ke eng.
Titjhere o re o ile a shapa ngwana monnamoholo enwa, jwale monnamoholo o na le tletlebo ka taba eo. Ho bonahala ha ngwana a ile a phetela ntatae hore titjhere o ba shapile bohle ka phaposing empa yena o shapuwe ho feta bana ba bang. Ya eba taba ya mohlolo hobane ba bang bana bao eo a shapuweng le bona ba teng sekolong ebile ba ntse ba rutwa ka phaposing. Yena o lofile sekolong a bolela hore ha ntatae a sa yo bua le titjhere, a ke ke a hlola a beha leoto la hae sekolong. Seo titjhere a neng a se ntsha pokothong e ne e le tjheletenyana eo a neng a re monnamoholo a tle a reke Zambuk ya ho tshasa metopa ya ngwana. Ke wona mohaunyana oo a ka mo etsetsang wona.
Ke lebaka lefe le entseng hore bana ba emise ho ngola ka phaposing?
Hlalosa seemo sa motho eo ya neng a eme monyako ka botlalo.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa sehlotshwana sa mantswe a ngotsweng ka mongolo o sekamisitsweng dipolelong tse latelang. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa lenaneng leo o le filweng. Ngola nomoro le karabo feela.
Ha motho a phahamisitse letsoho a bontsha e mong hore a tle kapa a atamele ho yena re re o a mo...
Ha batho ba buela fatshe mme ba sa batle ho hlodiya re re ba a...
Ke ketso efe e bontshang hore titjhere o ne a se a utlwisisa seo monnamoholo a mmontshang sona?
Bolela hore na polelo e latelang ke nnete kapa mafosi ho ya ka ditaba tsa tema o nto tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Titjhere o ile a fa monnamoholo Zambuk.
Bana bohle ba ne ba shapuwe mme bohle ba tlile sekolong empa enwa wa monnamoholo o lofile. Ebe phapang ke efe ho shapuweng hoo ha bona?
Na ketso ee e entsweng ke titjhere e a amoheleha ya ho shapa bana ho ya ka molaotheo wa naha ya rona Tshehetsa karabo ya hao?
Na ho lofa ha ngwana eo sekolong ho ne ho tla lokisa bothata boo ba ho shapuwa ke titjhere Tshehetsa karabo ya hao ho ya ka kutlwusiso ya hao?
Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa e hlalosang se bolelwang ke polelo ena e latelang: Ya eba taba ya mohlolo e hlalosa ho re ...
Ke nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
Ke taba e swabisang.
Ha se nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
Panado ya bana e fumaneha ka sebopeho sa mokedikedi le sa dipidisi tse hlafunwang. Panado ya mokedikedi e tsebahala ka dibotlolo tse pedi tse lekanang, e nngwe e tshetse seturupu se setala ha e nnqwe e tshetse seturupu se se kgubedu. Botlolwana e nyenyane ke ya marothodi mme e etseditswe masea feela. Tjhupu ya kgalase e sebedisetswa ho hula marothodi botlolong eo e nyenyane ebe a rothisetswa ka molomong wa lesea.
Ke dintho dife tse PEDI setshwantshong see, tse bontshang hore sehlahiswa sena se etseditswe bana?
Sehlahiswa see se fumaneha ka dibopeho dife tse PEDI?
Phapang ke efe pakeng tsa setshelo se tshetseng dipidisi le setshelo se tshetseng mokedikedi?
Ke ka lebaka lefe ha ho sebediswa tjhupu botlolwaneng e nyenyane?
Na bana ba lokelwa ke ho nwa dipidisi tseo ka metsi Tshehetsa karabo ya hao?
Ho ya ka wena, o ka re papatso ee reretswe bomang setjhabeng?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha. Mabaka a mangata ao e leng sesosa sa palo ena. A mang a ona ke palo e kgolo ya dikgutsana tseo batswadi ba tsona ba bolawang ke AIDS, tlhekefetso malapeng le bofutsana. Ho bolela Shange.
Setjhaba se hloka ho rutwa hore se se fe bana bana ba mebileng tjhelete kapa tsona dijo. Tjhelete ena eo ba e fuwang ke sesosa se seholo sa ho phela mebileng ho e na le malapeng kapa matlong a tlhokomelo. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba bona eka ke bokgopo.
Bana bana ha ba nahane letho ka bokamoso ba bona. Ntho e bohloko feela ke ho re bana bana ba shwella mebileng moo. Ba phela hara tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi, bohlola le tsohle tse mpe. Hang ha ba fetoha makgoba a dithethefatsi, ba ka bolaya motho moo ba batlang botlolo feela ya sekgomaretsi.
Mekgatlo e hlokomelang bana ba mebileng ha e a dumellwa ho ba tlosa moo ka sheshe le ha e le hore ba a lematsana athe le mapolesa a ka ba tlosa moo ha feela ba se ba tlotse molao.
Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng, ba shebana mahlong, yaba ba ya fatshe ke ditsheho. Motho a re, "hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso. O qadile hantle, wa nkgono; ke a dumela hore o monna e seng monnanyana. Le nna o tla qala ho mpona na motho ke ye ke mo etse jwang ha a le tjena ka Hipo. Haeba Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri, e tla ba le yena ke ntja e jwalo; motho a nyalane le lehlena a ntse a le bona ebe o re o tla itshokollela ntho ya hae e be e loke Fariki ke fariki ha e sa tla ba motho le kgale. Le ha a ka atleha, feela hopola hore ntja e boela mahlatseng a yona, fariki e boele seretseng ha e qeta ho hlatsuwa. Ke tseba ditaba etswe lebitso la ka le mpaka jwalo! Ha ke moshanyana wa maobane; thola wena o tla mpona hantle". Ba boela ba hasana ke ditsheho ha ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng ka sutu e bosootho bo fifetseng empa jwale e le kgwadi ke seretse, mobu le tse tswang ka maleng, hodimo le tlase. Ba tsheha, bao batho, ba utlwa monate o utluwang ke batho ba bang ha motho a hlahetswe ke tse babang, e seng lefu, empa tse mo tlontlollang, tse mo theolang boemong boo a leng ho bona, ba lebale hore 'pitsi ho kgotjwa e maoto mane' hore le bona le tla ba tjhabela mme le bona ba utlwe bohloko, ba lle bosiu le motsheare. Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya, ka bone, ka bohlano, ka bobedi?
Nehelana ka mahlalosonngwe/disinonime kapa mantswe a nang le moelelo o tshwanang le a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang.
Raditaba o dumela hore kolobe e ke ke ya fetoha motho le kgale.
Banna bao ha ba rate ha Dikeledi a ka nyalwa ke nyalasi e jwalo.
Polelong ena 'Mohau o lokela ho thola ha motho e moholo a bua le wena' lentswe le ntshofaditsweng moelelo wa lona o sebedisitsweng polelong eo ke 'ho se bue letho'. Ha moelelo o mong wa lona e ka ba o latelang, 'Kelebohile o ile a thola tjhelete ha a ne a ya thoteng.' Ipopele dipolelo ka lentswe le latelang e le ho totobatsa meelelo e mmedi e fapaneng.
Polelong e latelang ho sebedisitswe nyenyefatso: 'Ke a dumela hore o monna e seng monnanyana.' Fetolela mantswe a ntshofaditsweng nyenyefatsong.
Hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso.
Sutu e ne e fifaditswe ke mobu le tse tswang ka maleng.
Bala dipolelo tse latelang o ntano fana ka malatodi (diantonimi) a mantswe a ntshofaditsweng.
Hona ke qaleho ya morero wa rona.
Batho ba boela ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng.
Polelo ke ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri'.
Mantswe a ntshofaditsweng ke mabitso.
Polelong ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja' lentswe nyalwa le boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala dipolelo ka mantswe ao o a fuweng.
Le jwalo le tla ba tjhabela le bona.
Ke tseba ditaba etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Lentswe 'phuthehong' polelong ena: 'Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya', ke lehlalosi la sebaka/tulo. Ngola polelo e latelang empa o fetole lentswe le ka masakaneng hore le be le sebopeho sa lehlalosi la sebaka/tulo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ne ba le teng (mokgopi) oo.
Ha motho a ya (lefu) o ela ho ya tshedisa ba hlahetseng ke tse babang.
Maele ana: 'Pitsi ho kgotjwa e maoto a mane,' a bolela eng ho ya ka moo a sebedisitsweng ka teng temaneng. Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang.
Motho a ka kgotjwa ha a tsamaya majweng.
Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
Le ha o ka ba le maoto a mane jwalo ka phoofolo o tla nne o kgotjwe.
Motho o etsa phoso ka sepheo sa ho utlwisa e mong bohloko.
Polelong ena: Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng. Mantswe a ntshofaditsweng ke mahokedi, mme a thusa ho phethahatsa moelelo polelong. Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng dipolelong tsena.
Raditaba ka botjena bona ba hae, a phetela motswalle wa hae tseo yena a boneng ditorong tsa hae.
Polelo ena. 'Ebe o re o tla itshokolela ntho e be e loke' e sebopehong sa potso. Fetolela polelo ena e latelang sebopehong sa potso. Qala polelo ya hao ka lentswe lena, 'na'?
Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng.
Polelo ena, 'Le nna le tla mpon' e ho lekgathe letlang.
Ba boela ba hasana ka ditsheho.
Ngola dipolelo tsena hape o se o lokisitse diphoso tse ngotsweng ka mongolo o motsho.
Polelong ena, 'O qadile hantle, wa nkgono,' ho sebedisitswe lerui 'wa nkgono'.
Bala ditaba tsa lengolo le latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse latelang.
Ke o ngolla lengolo lena ke kgathatsehile haholo ka seo mora a ntsebisitseng sona mabapi le tse etsahalang sekolong. Ke utlwa hore e se e le matsatsi a mararo dithuto di sa tsamaye hantle. Jwalo ka e mong wa setho sa lekgotla la kemedi ya batswadi, ha ke eso fumane tsebiso ho tswa ho wena mabapi le taba ena. Ebe ho etsahalang sekolong moo Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa?
Ngola phoso e le nngwe feela e bontshang hore ho na le ho fosahetseng sebopehong sa lengolo lena.
Ngola qetelo ya lengolo lena.
Ho latela dikahare tsa lengolo lee, o ka fa ditaba tsee sehlooho sefe?
Qotsa polelo ho tswa temeng e senyang ditaba tsa lengolo lena.
Ebang bomonghadi Mofokeng ba babedi sekolong, ke eng se ka etsuwang hore lengolo le fihle matsohong a eo le reretsweng yena?
Maemo a moamohedi wa lengolo mona ke afe?
Bala ditaba tsa tema ena o ntano araba dipotso tse thehilweng hodima yona.
Bomme, kenang le iponele ka bolona. Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela ka letsatsi.
Lwantshang theko tse hodimo tsa dijo. Lebenkele la Bataung Traders, Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang. Bonkgono ba fumana theolelo ya 10%.
Ditaba tsa papatso e ka hodimo di reretswe bomang?
Na bontate ba dumelletswe ho reka lebenkeleng lee Ke ka lebaka la eng ha o realo?
Bolela hore polelo e sehetsweng mola ke nnete kapa mafosi o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka.
Na polelo ee ke ntlha kapa mohopolo feela: Lebenkele la Bataung Traders Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang! Fana ka lebaka la karabo ya hao.
Qolla polelwana e nang le tshusumetso e ka hohelang bareki ho tla lebenkeleng lena.
Araba potso e le nngwe feela bukeng eo o ithutileng yona.
Dipotso tsohle tsa KAROLO ya D di thehilwe dibukeng tse pedi. Ho na le dipotso tse pedi bukeng e nngwe le e nngwe. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE feela bukeng eo o ithutileng yona selemong sena.
Bala qotso ena, o nto araba dipotso tse e latelang.
Jwale ha re nyorilwe tjee, re tla nwang Re tla nwang bo, Mmutlanyana, metsi a kae" Mmutlanyana a lla a re: "Ke Phokojwe, o ile a fihla le ntho tse monate, yaba o re ho nna o tla mpha tsona, ka dumela hore a ntlame matsoho ka morao, ke qethohe ka seetse. Athe yena o batla ho utswa metsi a rona mme a duke a setseng. Ke molotsana Phokojwe ke a le jwetsa. Jwale diphoofolo tsa botsana: "Qaka ena ya tonanahadi ebe re tla e rarolla jwang" Yaba e mong o re: "A re kgetheng Kgudu ho lebela sediba sena sa rona". Tsa kgetha Kgudu mme tsa ikela naheng?
Yaba Phokojwe o a fihla, o fumana ho lebetse Kgudu. A dumedisa a re: "Hela Kgudu-e mokana ka, dumela." Kgudu a itholela a re tu! Phokojwe a boela a re: "Kgudu-e mokane, dumela." Ha hlokahala karabo. Yaba Phokojwe o a atamela, o fihla a sututsa Kgudu mme a re: "Kajeno lena teng ke tla nwa, ke nwe, ke be ke nwe, hobane ho lebetse sethoto sa semumu. Sutha ke nwe, sethoto towe se sa tsebeng le ho bua".
Yaba Phokojwe o inamela sedibeng. Eitse hoja a re o a nwa, Kgudu a mo tshwara ka leoto a ntse a itholetse. Phokojwe a hoa a re: "Itjhuu, Itjhuu, Itjhuu, monna ntlohele! Itjhuu o tla nthoba leoto wee!" Yaka ho thwe Kgudu a tiise. Phokojwe a kopa mohau, a rapela, feela Kgudu yena a mo kgomarela. Yaba Phokojwe o ntsha mokotlana wa dinotshi, a leka ho mo fofonedisa. Kgudu yena a furalla, a tadima hosele; empa a ntse a mo kakatletse mme a sa nyehlise.
Phokojwe o itse ka re: "Ntate Kgudu ya ratehang, nka mokotlana ona, ke wa hao." Kgudu a re tu, empa a tiisa le ho feta. Diphoofolo tse ding tsa ba tsa fihla. E ne e le thabo e kgolo ho tsona tsohle ho bona ka moo Kgudu a ba rarolletseng bothata ka teng. Tsa mo rorisa. Kgudu a utlwa monate mme a bososela. Hona moo Phokojwe ptjhemo! A le tipatipa a leba thabeng. Le ha ho le jwalo, diphoofolo tsa re: "O mohale Kgudu. Ke mona re tseba ho nwa metsi a rona, hobane o thibetse Phokojwe ho re senyetsa." Yaba ke tshomo ka mathetho.
Fana ka lebitso la tshomo eo qotso ena e nkilweng ho yona.
Nehelana ka mantswe a sebediswang ke mopheti ha a lelekela tshomo.
Mantswe ao mopheti wa tshomo a phethelang tshomo ka ona ke afe?
Mohanyetsi tshomong ee ke mang?
Lebaka le neng le etsa hore sediba se lebelwe e ne e le lefe?
Phokojwe e ne e qhekelle phoofolo ya pele e neng e lebetse sediba ka ho e fa eng?
Hlalosa ka ntlha tse pedi seo phokojwe a ileng a se etsa ho iketsetsa bobebe hore a tle a inwelle metsi ntle le bothata ba letho.
Ke eng se sebe seo phokojwe a ileng a se etsa metsing hoba a qete ho nwa?
Hoba phokojwe a inwelle metsi a be a itsamaele ho ile ha batlwa phoofolo ya boraro ho tla lebela sediba. Hlalosa ka ntlha tse pedi bohlale boo phoofolo ena ya boraro e ileng ya bo etsa ho phema ho qhekellwa ke phokojwe.
Ho ya ka wena, o ka re tshomo ee e re ruta eng hantlentle?
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Yaba o a tsamaya. Nkgono a thaba haholo hobane ona ke monyetla wa hore a phethe merero ya hae e ditshila. Yaba nkgono o nka setloholo o ya le sona ha hae. A fihla a nka thipa a se poma maoto le matsoho, yaba o pata ditho tsena hole ngwana a ntse a lla moo habohlokohloko. Yare ha a bona mma lesea a kgutla sedibeng, a potlaka a kgutlela ha ngwetsi lapeng.
Mma ngwana ha a fihla o rola nkgo, mme o utlwa leseanyana la hae le lla. Yaba o re: "Ngwanaka a tla a lla habohloko basadi, mo tlise mme ke mo nyantshe." Yaba nkgono o ya ho lata ngwana. Ha a fihla moo ngwana a robetseng teng, a hoa a re: "Jo nna nna we, ngwana ka o jelwe keng maoto le matsoho Ke qeta ho mmeha mona ho se molato mme a ipheletse hantle, jwale o jelwe keng na?
Yaba o imakatsa jwalo he nkgono wa ngwana. Feela mmangwana yena a botsa hape ka pelo e bohloko a re: "Mme, ha ke ne ke kopile hore o ntshalle le ngwana tjee, ngwana wa ka o jelwe ke eng maoto le matsoho" Nkgono a re: "Ka nnete ha ke tsebe se jeleng setloholo sena sa ka." Mmangwana a lla, a lla haholo, a lla sa mmokotsane. Yaba batho ba tla ba phalletse ho tla bona mohlolo ona o hlahetseng lapa lena?
Yaba ngwana enwa o a hola mme ya eba morwetsana e motle feela a se na maoto le matsoho. Mmae o ne a mo rata haholo, le ntatae feela jwalo. Ba ne ba mo hlokomela, ba mo jesa, ba mo robatsa hantle. O ne a dula a hlwekile a le makgethe. Ha ho uwa masimong, ngwana o ne a sala le nkgono, mme nkgono le yena a etsa eka o a mo rata.
Fana ka lebitso la tshomo eo qotso ena e nkilweng ho yona.
Mme wa mophetwa wa sehlooho (lesea) o ne a le kae ha nkgonwae a tla etsa ketso e sehloho ho yena.
Ako hlalose ketsahalo e sehloho e ileng ya hlahela mophetwa enwa.
Hantlentle ketso eo e sehloho e ne e entswe ke mang?
Ho ya ka wena, o ka re nkgono eo ke motho wa semelo sefe Nehelana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao?
Hlalosa ka ntlha tse PEDI se neng se etsahale mohla batswadi ba Ditokotoko ba neng ba mo fumana a na le matsoho le maoto.
Pheletso ya nkgono e bile efe?
Bala dipolelo tse hlahelang KHOLOMONG YA A, ebe o kgetha karabo e nepahetseng e dumellanang le setatemente ka seng KHOLOMONG YA B. Ngola karabo feela.
Ha ho qalwa tshomo bamamedi ba lokela ho arabela mopheti wa tshomo ka ho re...
Ka tlwaelo ya Basotho, ditshomo di ne phetwa haholo ke...
Ka tlwaelo mantswe a sebediswang ha ho phethelwa tshomo a re...
Ka tlwaelo ditshomo di ne di phetwa ka ha mesebetsi e se e phethilwe.
Ka tshwanelo mopheti o qala tshomo ka mantswe a reng...
ba re e ne e re.
ke tshomo ka matheto.
Ditokotoko o ne a sala le mang kamehla ha ho uwa masimong?
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Nako e batla ha re e kgaola dikoto tse kgolo feela: hwetla le mariha le selemo le hlabula; kapa re bua ka ho re kgwedi e thwasitse, kapa e a bola. Ho monate ha re bua ka maobane, kajeno le hosasa. Empa re ipakela tsietsi ha re qala ho thuha letsatsi, ha re qala ho thuha hora. Ngwana ya ithutang sekolong hore metsotso e mashome a tsheletseng e etsa hora, le hore hora tse mashome a mabedi a metso e mene di etsa letsatsi, ha a tsebe tsietsi eo a ithutang yona!
Empa nako e kotsi feela ha re e aroarola jwalo. Ha re e nahana ka moo re lokelang ho e nahana ka teng re fumana hore ke ntho e kgolo, e etsang mehlolo ruri. Mohlomong o tsietsing e kgolo, moratuwa wa hao -- ntatao, mmao, mohatsao -- o hlokahetse. O fumana hore o fihlile qetellong ya bophelo, ho setse feela hore a ipolaye hobane ha a bone hore na jwale ekaba o sa phelelang!
Mohlomong o ne o rata motho haholo, o sa bone hore o ka phela ka ntle ho yena. Jwale o fumana lengolo le bolelang hore ha e sa le wa hao, e se e le wa semanyamanyane. O a sarelwa, o tlallwa ke thota, tsohle di a o sulafalla; ha o bone hore na jwale ekaba nnete le botshepehi di teng fatsheng lena. Dilemo di a feta mme ha di ntse di feta, o lebala ba hlokahetseng, o lebala le ba sa kang ba tshepahala. Maqeba ao a a fola mme o qala ho elellwa hore tseo e ne e se dintho tse kgolo hakaalo.
Bolela sehlooho sa moqoqo oo qotso e ka hodimo e nkilweng ho wona.
Bolela mefuta e MMEDI ya dijalo eo batho ba kgale ba neng ba leka ka hohle hore ba e jale ka nako e itseng.
Lebakabaka le neng le etsa hore ka nako e nngwe ba emise ho tswella pele masimong ke lefe?
Mongodi o re ho na le nako ya ho hlokahallwa ke eo o mo ratang haholo bophelong. Qolla moratuwa a le mong ho bao mongodi a buang ka bona.
Kgetha karabo e le nngwe e nepahetseng ho tseo o di fuweng ka masakaneng dipolelong tse latelang.
Mongodi o re hangata o tla fumana motho ya sa kgoneng ho ka sebedisa nako ka tshwanelo, ha motho e mong a kopa thuso ho yena ebe o tla itshwarella ka ho re...
B o a kula.
C ha a na nako.
Ha motho a bolellwa hore motho eo a neng a mo rata haholo ha e sa le wa hae, e se e le wa e mong, motho eo o utlwa bohloko ebe...
A o a sarelwa.
B ha a tsotelle.
C o ipatlela e mong e motjha.
Ho ya ka ditaba tsa moqoqo oo, ke maemo afe a MABEDI ao motho a yeng a iphumane a le ho ona hoba a utlwe hore eo a mo ratang haholo o hlokahetse?
Dipolelo ke tsena: Dilemo di a feta mme ha di feta o lebala ba hlokahetseng. E jwalo nako. Na ke nnete hore ba hlokahetseng ba a lebalwa Tshehetsa karabo ya hao?
Basotho ba mehleng ee ba fapana jwang le ba kgale mabapi le tshebediso ya nako?
Fana ka molaetsa o fumanwang moqoqong ona ka polelo e le nngwe feela.
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
PELO ke setho se seng seholo hakaalo mmeleng wa motho empa se hlokahalang haholo hoo motho a sitwang ho phela ha se le siyo. Re tseba ka ho otla ha yona hore motho o sa phela. Ha e se e otla hanyenyane le teng re a tseba hore bophelo ha bo sa le matla, lebone le se le rata ho tima. Teng ha e se e eme, re tseba hore e se e le maobane. Ke setho se hlokahalang haholo mmeleng empa se leng thata ho phekolwa. Hangata ha dingaka di re motho o na le lefu la pelo, eba re se re dula ka matswalo a hore eo o se a ntse a re siile.
Ho otla ha pelo ha ho re bolelle feela hore motho o sa phela, ho ka nna ha re bolella ntho tse ding tse ngata. Pelo ka nako e nngwe e a bolela ha monga yona a tshohile. O ka fumana e otla haholo e bile eka e tla tswa pakeng tsa dikgopo. Ha se feela e yeng e re leshodu le ipatile ha monate, batho ba sa le bone, mohlomong ba se ba bile ba le tetse, ba tshohe le se le re rao! le bile le baleha, e le hobane le utlwile pelo ya lona e otla haholo hoo le bileng la kgolwa hore batho ba a e utlwa!
E matla pelo. Ha se feela le rona Basotho re buang haholo hakaana ka yona. Ha motho a eja, dijo di sa theohele hantle, a utlwa a feroha dibete, o re: "Dijo tsena ha di a theohela hantle. Di ntutse pelong," kapa "Pelo ya ka e a nyeka."
Sehlooho sa moqoqo o ka hodimo ke sefe?
Hobaneng ha mongodi a re pelo ke setho sa mmele se hlokehang ho motho?
Mongodi o re motho o laelwa ke dipelo tse kae Hlalosa hore di laela motho ka tsela efe?
Ho ya ka ditaba tsa moqoqo oo ho thwe motho ya jang haholo a sa kgethe dijo o?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang.
Ha ho thwe pelo ya motho e eme ke ha ho bolelwa hore motho eo o...
Qoholla polelo e tswang e temeng, e bontshang hore motho ha a tshohile haholo, pelo ya hae e etsa jwang.
Phapano ke efe dipakeng tsa motho ya pelo e jewang le motho ya pelo e mpe?
Ho ya ka wena o ka re molaetsa wa moqoqo oo ke ofe?
Ha motho a idibane, se ka o tiisetsang hore o sa phela ke sefe?
Motho o nyahama pelo ha ho etsahetse jwang?
Temeng ena qoholla polelo e bolelang hore motho o o rata haholo.
<fn>Sesotho SAL P1 Nov 2009 Memo (Free State).txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 9.
Ke ha ba utlwa ho kokotwa monyako.
E ne e le monnamoholo e mo kgutshwane.
Mafosio ile a mo fa tjheletenyana.
Yena o ne a shapuwe ho feta ba bang.
Tjhe ha o a amoheleha ho hang, Mmuso o phatladitse masedinyaneng, dithelevishineng le dibukaneng tsa molao wa motheo hore bana ha ba sa lokelwa ke ho shapuwa dikolong.
Tjhe, hobane o senyehetswe ke nako ya ho ithuta ha bana ba bang ba ne ba ithuta.
E, titjhere e ke ke ya hlola e mo shapa ho feta ba bang hoba ntatae o ile sekolong ho ya tletleba. (Kgetha karabo e le nngwe feela) (Ho amohelwe maikutlo a moithuti a tshehetsang karabo).
C = Ha se nnete hore ngwana eo o shapuwe ho feta ba bang.
Mokedikedi o ka botlolong ha dipidisi di tshetswe ka hara setshelo sa lebokoso./Botlolo e a tjhwatleha, ha lebokoso le sa tjhwatlehe.
E thusa ho hula marothodi a tlo rothisetswang molomong wa lesea./Ke ho nwesa ngwana wa lesea moriana.
Tjhe hobane di ngotswe hore di a hlafunwa.
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha.
Mabaka a mangata a bakang hoo (bofutsana, dithethefatsi, bokgutsana le tse ding).
Ba se fuwe tjhelete kapa dijo.
Ba iphetotse bakopi.
Ba shwella moo.
Ke makgoba a tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi le tse ding.
Ha ba a lokela ho tloswa mebileng moo ka kgang.
Ela hloko: Motshwayi a hlokomele hore hona ke tataiso feela, mme dintlha tsa mohlahlobuwa di lekolwe ka hloko.
Kabo ya matshwao: 1.
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo, mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Relebohile o batla ho tsamaya le bona.
Ke bona eka o se a hlanya.
Hona ke qaleho/qetelo/pheletso ya moreronyana wa rona wa ho iphetetsa.
Sutu e ne e fifetse ke mobunyana le tse tswang ka maleng.
Mokgopi wa ema wa opa diatla ha mopresidente a kena ka holong.
Le bona ba tla tjhabelwa ke le jwalo.
Ditaba di tsejwa ke nna etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ba ne ba le teng mokgoping oo.
Ha motho eo a ya lefung o ela ho ya tshedisa ba hlahetsweng ke tse hlomolang.
B = Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
Na Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng?
Ba tla boela ba hasana ka ditsheho.
Thabo le Katleho ke bashanyana ba ithatang haholo.
Ke ne ke etetse ha malome Gauteng.
Hobaneng o sa fihla ka nako kerekeng?
Hobaneng o mpotsa?
Moeti wa rona o tla fihla hona jwale.
Karabo e le nngwe feela.
Ho sitiseha ha dithuto sekolong (Karabo e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tla amohelwa).
Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa.
Ka tlasa lebitso ho ngolwe maemo a moamohedi wa lengolo kapa ditlhaku tse qalang mabitso a hae.
E - Ha ho moo ho thweng ba se ke ba reka.
Tjhe - Ditaba di mema bomme feela.
Theko ya dijo e phahame hoo o ke keng wa fepa ba lelapa kaofela ka R10,00.
Ke mohopolotaba. Ho ntse ho na le mabankele a mang ao batho ba ka rekang ho ona. Mona Bataung Traders ba mpa ba bapatsa tshebeletso eo ba fanang ka yona feela.
Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela.
Diketsahalo tsa buka di itshetlehile ho yena.
O ne a letsetsa mosuwe wa thuto eo ho botsisisa.
O ne a mo lemosa hore o tshwanela hoba le sepheo nthong eo a e etsang.
O ile a bona ntatae a rothisa dikeledi.
Ramolao wa Tlaleho.
Mmae o ne a sebetsa mme Molahlehi a hloka mohlokomedi.
Ho ne ho hlekelwa Makgowa.
O ne a sa tshwara bukana ya boitsebiso.
Mosadi wa Molahlehi.
Tjhe Baithuti ha ba hlomphe mosuwe ya jwalo.
Ho tlo inwesa ka nkgo ka maemo a tswileng taolong a thuto.
O lokela ho tiisa letsoho kgalemelong.
A tsekisana botlolo ya jwala le moithuti.
<fn>Sesotho SAL P1 Nov 2009 Memo (Gauteng).txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 11.
Ke ha ba utlwa ho kokotwa monyako.
E ne e le monnamoholo e mo kgutshwane.
Mafosio ile a mo fa tjheletenyana.
Yena o ne a shapuwe ho feta ba bang.
Tjhe ha o a amoheleha ho hang, Mmuso o phatladitse masedinyaneng, dithelevishineng le dibukaneng tsa molao wa motheo hore bana ha ba sa lokelwa ke ho shapuwa dikolong.
Tjhe, hobane o senyehetswe ke nako ya ho ithuta ha bana ba bang ba ne ba ithuta.
E, titjhere e ke ke ya hlola e mo shapa ho feta ba bang hoba ntatae o ile sekolong ho ya tletleba. (Kgetha karabo e le nngwe feela) (Ho amohelwe maikutlo a moithuti a tshehetsang karabo).
C = Ha se nnete hore ngwana eo o shapuwe ho feta ba bang.
Mokedikedi o ka botlolong ha dipidisi di tshetswe ka hara setshelo sa lebokoso./Botlolo e a tjhwatleha, ha lebokoso le sa tjhwatlehe.
E thusa ho hula marothodi a tlo rothisetswang molomong wa lesea./Ke ho nwesa ngwana wa lesea moriana.
Tjhe hobane di ngotswe hore di a hlafunwa.
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha.
Mabaka a mangata a bakang hoo (bofutsana, dithethefatsi, bokgutsana le tse ding).
Ba se fuwe tjhelete kapa dijo.
Ba iphetotse bakopi.
Ba shwella moo.
Ke makgoba a tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi le tse ding.
Ha ba a lokela ho tloswa mebileng moo ka kgang.
Ela hloko: Motshwayi a hlokomele hore hona ke tataiso feela, mme dintlha tsa mohlahlobuwa di lekolwe ka hloko.
Kabo ya matshwao: 1.
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo, mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Relebohile o batla ho tsamaya le bona.
Ke bona eka o se a hlanya.
Hona ke qaleho/qetelo/pheletso ya moreronyana wa rona wa ho iphetetsa.
Sutu e ne e fifetse ke mobunyana le tse tswang ka maleng.
Mokgopi wa ema wa opa diatla ha mopresidente a kena ka holong.
Le bona ba tla tjhabelwa ke le jwalo.
Ditaba di tsejwa ke nna etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ba ne ba le teng mokgoping oo.
Ha motho eo a ya lefung o ela ho ya tshedisa ba hlahetsweng ke tse hlomolang.
B = Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
Na Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng?
Ba tla boela ba hasana ka ditsheho.
Thabo le Katleho ke bashanyana ba ithatang haholo.
Ke ne ke etetse ha malome Gauteng.
Hobaneng o sa fihla ka nako kerekeng?
Hobaneng o mpotsa?
Moeti wa rona o tla fihla hona jwale.
Karabo e le nngwe feela.
Ho sitiseha ha dithuto sekolong (Karabo e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tla amohelwa).
Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa.
Ka tlasa lebitso ho ngolwe maemo a moamohedi wa lengolo kapa ditlhaku tse qalang mabitso a hae.
E - Ha ho moo ho thweng ba se ke ba reka.
Tjhe - Ditaba di mema bomme feela.
Theko ya dijo e phahame hoo o ke keng wa fepa ba lelapa kaofela ka R10,00.
Ke mohopolotaba. Ho ntse ho na le mabankele a mang ao batho ba ka rekang ho ona. Mona Bataung Traders ba mpa ba bapatsa tshebeletso eo ba fanang ka yona feela.
Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela.
Araba potso e le nngwe feela bukeng eo o ithutileng yona.
Ba re e ne e re /E ne e re .../Ya na ya re...
Ke tshomo ka matheto.
Ho thibela Phokojwe hore e se nwe metsi ao.
Ho e fa mahe a dinotshi/dinotshi/manyepa.
Phokojwe o ile a qhekella hlolo ka hore a dumele a mo tlamelle matsoho ka morao. Ha a se a mo tlamme yaba o ikela metsing mme a inwella ntle le tshitiso ya letho.
Ha a qetile ho nwa metsi ao o ile a a duka/fedimaka.
Kgudu o ile a kgethwa ho lebela sediba, mme eitse ha Phokojwe a fihla a mo buisa a habile ho mo qhekella empa Kgudu a itholela. Phokojwe a hopola eka Kgudu ke sethoto le semumu. Phokojwe ya hopola hore e tla iketsetsa boithatelo letsatsing leo. Moo Phokojwe e reng e tla nwa, Kgudu ya e tshwara ka leoto la morao. Phokojwe ya ikopela ho tlohellwa empa Kgudu ya tshwara ho fihlela diphoofolo tse ding di fihla.
Ha re le setjhaba re lokela ho sebetsa mmoho bakeng sa katleho ya setjhaba sohle.
Motho a sebetse ka thata bakeng sa ho fihlella seo a se batlang, a se ke a batla ho etsetswa.
Motshwayi a amohele dikarabo tse ding tse utlwahalang tseo bahlahlobuwa ba nehelanang ka tsona.
O ile a kgaolwa maoto le matsoho e sa le lesea ke nkgonwae.
Nkgono ke motho ya kgopo/ ya sa lokang/ ya kgohlahetseng, ebile o pelo e mpe kapa ha a na lerato ebile ke molotsana.
Hobane o entse ketso ena e sehloho ntle le ho bontsha kutlwelobohloko leseeng lena la batho le neng le sa tsebe ho ipuelella.
Motshwayi a amohele dikarabo tse ding tse utlwahalang tseo bahlahlobuwa ba nehelanang ka tsona.
Batswadi ba Ditokotoko ba ne ba fumane ntlo e hlwekisitswe ebile e le makgethe, mme ba kgahlenyetswa ke monko o monate wa dijo tse neng di phehilwe.
Ha ba re ba a tadima ba bona Ditokotoko a na le maoto le matsoho. Ba bona e le mohlolo o moholo. Ba mo botsa hore o nka maoto le matsoho kae, yena a ba bolella hore o a nkile ho nkgonwae.
O ile a bolawa.
Ke tshomo ka matheto.
Le nkgono wa hae.
Poone le mabele.
Ke ha pula e na.
Kgetha e le nngwe feela.
O a sarelwa.
O fumana hore o fihlile qetellong ya bophelo.
Ho setse feela hore a ipolaye.
Ke nnete hobane ha nako e ntse e tsamaya, motho o a lebala kapa hona ho amohela tse mo hlahetseng.
Basotho ba kajeno ba sebetsa ka nako ho tsohle tseo ba di etsang.
Nako e a tsamaya ha e a ema nqa e le nngwe. - Motho o lokela ke ho lekanya mosebetsi oo a o etsang le nako e lekanang mosebetsi oo.
Motho o lokela ho amohela se bohloko se mo hlahetseng ha nako eo e se e fetile.
Tshwaya e le nngwe feela.
Hobane motho a ke ke a phela a se na pelo.
Tse pedi. Ha pelo e o laela hore o etse ntho e itseng, mme hape e o laele ho etsa se seng.
O ka fumana e otla haholo ebile eka e tla tswa pakeng tsa dikgopo.
Ka moo pelo e sebediswang ho tshwantshisa diketsahalo tse fapaneng tse etsahalang bophelong ba motho.
Kgetha e le nngwe feela.
Ke ho otla ha pelo.
Ke ha motho a hlahelwa ke se mo swabisang.
Ke o nehela pelo ya ka.
<fn>Sesotho SAL P1 QP.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 13.
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le ha eba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Moahi e mong wa motsemoholo Soweto a etela wa mphato wa hae kaekae hona moo Soweto. E ne e le motsheare wa hoseng ha a tloha ha hae, a thabile a bile a jere katara ya hae e mo jeleng R6 000,00 ka ha e ne e le kgeleke ya motho. O hlotse ha monate moo ha motswalle wa hae a letsetsa batho katara, ho besitswe dinama, lefotha le aparetse motse. Monate ona o hanang ho phuthelwa ka kobo, wa mo hapa a ba a phirimellwa moo monyakeng o mokaalokaalo. Tjhe, motswalle wa hae a mo felehetsa ho ya setopong sa dipalangwang. Ba tsamaya jwalo lesedinyaneng la mabone a mmalwa a karolo eo ya Soweto.
Ha ba re he! Ba iphumana ba se ba hlahlathela hole le moo ba habileng teng, ba se ba fapohile tsela ba lebile hosele. Ba kena maqakabetsing. Yare ba sa botsana hore na ebe ba lahluwe ke sethotsela, banna ba bane ba re ropo! Hona mona pela bona. Ba bararo ba tshwere dithipa tse telelehadi tse tshabehang, ha e mong wa bona a le sethunya. 'Tlisa katara eno ya ka wena,' ho realo e mong wa thipa, a kopantse le ka mahlapa a tala. Metswalle ya rona e mmedi jwale ya kenelwa ke tlakatlaka hobane ba ne ba bile ba jabellakwa ke ditsotsi tseo. Rakatara a nyahlatsa katara ya hae, e theko e thata mme yena le motswalle wa hae ba hlanola tlhabela. Ba baleha jwalo ba bile ba arohana, e mong a nyolosa e mong a theosa. Tsa ba lelekisa ditsotsi, a ba a fihla a ikakgela ka hara phiphitha ya batho ba neng ba ntse ba bina difela tsa Sione.
Rakatara wa batho o ne a tshohile hona hoo a sitilweng le ho bina kapa ho etsa yona menyakwe ya bao ba Lekganyane. Ho sa le jwalo ba feta moo ho nang le tebelo teng. Rakatara a tswa mokgoping wa Lekganyane, a ya kena moo tebellong. Moo he, a bona diaba le dihaeya tse etsahalang mafifing. Ho nowa dinipi tsa majwala a sekgowa, ho tlola khoto ya biri. Ka boholwanyane le ha a ne a sa aha karolong eo ya Soweto, a elellwa hore hohle ho a tshwana, ke koboanela ditebelong. Botahwa, matekwane, mahlapa a tala, e se e le wona mokgwa le molao. O dutse jwalo moo tebellong Rakatara a le khwaereng e ka ntle, ha e nngwe e le ka tlong. Ha le re tjhapa! Le latelang (Moqebelo), a kena tseleng a hopola ha hae a se a se na katara! Le ha bosiu bo jere makgopo a makaalokaalo, feela a sheba bokgabane bo etellang tsena tsohle pele.
Hobaneng ha monna enwa eo ho buuwang ka yena mona a bitswa Rakatara?
Banna baa ba ditsotsi ba ne ba le bakae ka palo?
Ha Rakatara a se a tsamaya o ne a felehetswa ho ya kae?
Ke eng se entseng hore Rakatara a tle a siuwe ke nako mme letsatsi le be le mo dikelle moo ha motswalle wa hae?
Ditaba tsee tseo o sa tswa bala ka tsona di etsahetse motseng ofe?
Ho bolelwa eng ha ho thwe 'la re tjhapa! Le latelang'?
Bolela dibetsa tse pedi tseo ditsotsi di neng di di tshwere ha di ne di hlasela boRakatara.
Ha ho thwe 'ba hlanola tlhabela' ho bolelwa eng?
Ke eng se bakileng hore Rakatara a qete bosiu bohle tebellong?
Na o ka re, ho ya ka wena, ke ntho e lokileng hore batho ba tlileng tebellong ba nwe majwala ha ba le moo Tshehetsa karabo ya hao?
Ke eng seo mongodi wa tema a batlang hore re se utlwisise ka ho sebedisa mantswe ana 'mabone a mmalwa a Soweto'?
Ditaba tsee tsa Rakatara le ditsotsi di etsahetse bosiung ba letsatsi lefe ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba?
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ka bophahamo ba 8 848m, Mount Evereset ke yona thaba e phahameng ka ho fetisisa lefatsheng. Ka selemo sa 1852, Radhanath Sikdar, radipalo le mohlahlobi (surveyor) ke yena motho wa pele wa ho metha bophahamo ba thaba ena empa yena a le naheng ya India, bohole ba 240 km ho tloha thabeng eo.
Mohla la 29 Motsheanong 1953, Edmund Hillary wa New Zealand le Zherpa Tenzing Norgay wa Nepal ke bona batho ba pele ba ho hlwa thaba eo. Tenzing o bolela ha Hillary e le yena ya neng a behe leoto la hae pele hodima thaba ena. Ba ne ba nke ditshwantsho ba siya dipompong ba ba ba hloma le sefapano thabeng eo pele ba theoha.
Bala dipolelo tsena tse pedi tse latelang. Na o ka re seo polelo ka nngwe e se bolelang ke ntlha kapa ke mohopolo feela?
Ha ho motho ya ka fihlang ka hodima thaba ena.
Bosweu bo hodima thaba ee e ka ba sesupo sa eng?
Bophahamo ba thaba ee bo ne bo methwe ke mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ketso ya ho hloma sefapano ka hodima thaba e ne e ka ba sesupo sa eng?
o entse mosebetsi oo a le bohole bo bokae?
Banna ba pele ba ho hlwa thaba ena ba ne ba hlaha dibakeng dife tse pedi?
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ka dintlha tse SUPILENG. Kgutsufatso e be e nang le mehopolo ya sehlooho mme o ngole ka mokgwa wa ho lokodisa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Mopresidente Nelson Mandela ke e mong wa bahale ba tswileng ka mahetla, e seng feela Afrika, empa lefatshe ka bophara. E sa le tumelo ya hae e itshetlehile tabeng ya hore Afrika Borwa e tla lokoloha bokgobeng ba kgethollo ya Maburu. E sa le a le kgahlanong le karohano ya merabe e neng e tswelliswa ke mmuso wa kgethollo wa Ba Basweu. O ile a ba le mamello ho tsitlallela ho seo a neng a se labalabela, ke ka hoo a ileng a kwallwa dilemo tse mashome a mabedi a metso e supileng sehlekehlekeng sa Robben. Ha a ka a fetohela dikano tsa hae.
Le ha Mopresidente wa mehleng wa Afrika Borwa a tswa tlong ya borena, o utlwisisa puso ya demokrasi haholo. Lentswe lena demokrasi le bolela hore puso ya setjhaba ka setjhaba. Setjhaba se tlameha ho voutela mokga oo se o ratang hammoho le baetapele ba tla tsamaisa puso. Ke motho ya utlwisisang hore le ha setjhaba se kgethile mokga wa hae wa African National Congress, mokga o tlameha ho ba mosebeletsi wa setjhaba mme o itelle sona. Toro ya seo a neng a se labalabela o e hlalositse bukeng Ya Hae e bitswang Long Walk to Freedom. Ha re makale kajeno ha Mopresidente enwa wa mehleng, Mandela, a ntse a sebeletsa setjhaba ka boitelo le ha a se a behile meja fatshe, ho phomola tsamaisong ya tsa puso.
Bala ditema tsena tse latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima tsona.
Ha Kgahliso a fihla hae mantsiboya, o fumane mabone a timme, ho se motho ka tlong. Hlooho ya hae ya qalella ho opa ha bohloko mme a ikutlwa a tsekela yaba o leba kamoreng ho ya robala, empa boroko ba hana ho tla. Ka bohora ya leshome a utlwa modumo wa koloi ebile eka e ema hona hekeng ya hae. A nyarela ka fensetere. A bona koloi e mmala o mosootho. Ka ha mabone a seterateng a ne a bonesitse, a kgona ho e bona hantle ha mmoho le batho ba neng ba le ka hare ho yona. E ne e le koloi ya ngaka Malebaleba, eo ba neng ba hlola ba eya ho yena ha ba kula. Ha a ntse a shebile jwalo, a bona batho bao ba akana mme ka mora motsotswana Ntshwabiseng a tswa. Koloi ya tloha ya tsamaya mme yena a leba lapeng. A fihla a kena a ba a leba kamoreng ya bona. A fihla a kena betheng a sa bue.
Kgahliso a re o leka ho iphapanya empa pelo ya hana. Qetellong a tswa molomo: 'Ntshwabiseng, o tswa kae ka nako ee?
Ho a o makatsa Wena ha o hlole o fihla bosiu Se ke wa nahana hore seo o se etsang le nna ha ke kgone ho se etsa!' Ho araba Ntshwabiseng a bile a hula dikobo a ithoballa. 'Ke sefe seo ke se etsang Ke Kgahliso ka ho makala.' O nahana hore ke wena feela ya nang le tokelo ya ho tsamaya le masiu Ha o tsebe hore le rona bomme re na le ditokelo jwalo ka lona bontate?
Lentswe lena 'mosebetsing' polelong ena, 'Ka le hlahlamang ha Kgahliso a fihla mosebetsing, a fumana Lerato 'ke lehlalosi la sebaka. Tadima dipolelo tse latelang o nto di ngola hape empa o fetole lentswe le ka masakaneng ho ba lehlalosi la sebaka.
Ntshwabiseng o ne a hlaha (ngaka) ha a ne a fihla bosiu jwalo.
Ntshwabiseng a tswa (koloi) mme a leba lapeng.
Ha Ntshwabiseng a kena ka (ntlo) a fumana Kgahliso a se a robetse.
Polelong ena, 'Kgahliso o ile a bona batho ba ka koloing hoba mabone a ne a sa tima empa a ne a kganya', lentswe 'tima' ke lelatodi la 'kganya'.
Ka mora motsotswana Ntshwabiseng a tswa koloing.
Hoba a kene moalong boroko ba hana ho tla.
Ha o tsebe hore le rona bomme re na le ditokelo.
Lentswe lena 'o mosootho' polelong ena, 'A bona koloi e mmala o mosootho ' ke lekgethi. Ngola dipolelo tsena hape, empa o lokise sebopeho sa lekgethi le ngotsweng ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa tsona.
Ho bonahala hantle hore ho na le taba e (-holo) dipakeng tsa Kgahliso le mohatsae.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o qale e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng ntle le ho fetola moelelo wa tsona.
Kgahliso a fumana Lerato a se a le motjhining.
Polelong ena, 'A fihla a kena betheng a sa bue ' e kganyetsong/tatolong. Ngola dipolelo tsena tse latelang di le kganyetsong/tatolong.
E ne e le koloi ya ngaka Malebaleba.
Mabone a seterateng a ne a bonesitse.
Kgahliso o fumane mabone a timme.
Polelong ena, 'A bona batho bao ba akana 'lentswe 'batho' le supa bongata ba 'motho'. Bala dipolelo tse latelang mme e be o fetolela mantswe a ka masakaneng bongateng hore a phethahatse moelelo wa polelo ka nngwe. O ka ngola nomoro le karabo feela.
A utlwa (modumo) ya makoloi a fetang mmileng kantle.
Ntshwabiseng a tswa ka koloing eo ka mora (motsotswana) e mmedi.
Lentswe lena 'empa' le sebedisitswe ho kopanya dipolelo tse pedi tse fapaneng ho bopa polelokopane, 'Kgahliso a re o leka ho iphapanya empa pelo ya hana.' Sebedisa lentswe leo o le filweng ka masakaneng mme o ipopele polelo e le nngwe dipolelong tsena.
Kgahliso a leka ho thola.
Kgahliso o ile a fetela dikobong. Kgahliso o ne a opelwa ke hlooho.
Ngola dipolelo tsena tse latelang hape empa o qale e nngwe le e nngwe ka mantswe ana: Kgahliso a botsa Ntshwabiseng...
Ke sefe seo ke se etsang' Kgahliso a botsa Ntshwabiseng?
Lentswe 'motsotswana' polelong ena, 'Ka mora motsotswana Ntshwabiseng a tswa.' ke nyenyefatso ya 'motsotso'. Ngola dipolelo tse latelang empa o nyenyefatse mabitso a ntshofaditsweng.
Ho ne ho na le mabone a neng a sa kganya ka nako eo.
Koloi eo e ne e ile ya ema nako e seng kae hekeng.
Nehelana ka lentswe le tshwanang ka moelelo (lehlalosonngwe/sinonime) le lentswe lena 'akana'.
Ngola dipolelo tsena tse latelang hape empa o tlatse dikgeo tse siilweng ka mahokedi a loketseng.
Ntshwabiseng le Kgahliso le ba buisana ka bothata bona ba bona.
Koloi e ileng ya ema kantle e ne e le ngaka e nngwe ya hona motseng oo.
Leetsi lena 'ithoballa' polelong ena, 'Ho araba Ntshwabiseng a bile a ithoballa' le ho boiketsi. Bala dipolelo tse lateleng e be o lokisa sebopeho sa leetsi le ka masakaneng hore le supe boiketsi.
Ntshwabiseng a (thola) tu! Ha Kgahliso a mo fata dipotso.
Qetellong Ntshwabiseng a (arabella) ka ho re le yena o na le tokelo.
Lentswe lena, 'bao' polelong ena, 'Batho bao ba a akana' ke lesupi. Ngola polelo e latelang hape empa o e tlatseletse ka lesupi le siilweng sekgeong.
Ngaka Malebaleba o ne a ntse a dula hona motseng wa boKgahliso le boNtshwabiseng.
Bala tema ena o nto araba dipotso tse hlahang tlasa yona.
Mme Mokoena: Dumela ntate, ke kopa o ke o ntlhalosetse ka ditsela tsa ho boloka tjhelete.
Mme Mokoena: Akhaonto ya polokelo ya tjhelete yona ke a e tseba.
Mosebeletsi wa banka: Ena ke akhaonto eo o ka bolokang tjhelete ya hao ho yona. Ka akhaonto ena o kgona ho lefa bao o ba kolotang ka ho ba ngolla tjheke feela. Ona ke mofuta wa akhaonto o molemo haholo, mme o na le menyetla.
Mosebeletsi wa banka: Tjhe, mme yona ha e na phaello e ngata hakaalo.
na le ditjeho tse ngata ho ya ka palo ya tjheke tseo o di ngolang ha o lefa melato ya hao.
Fetolela dipolelo tsena tse latelang ho tloha Senyesemaneng (English) ho di isa puong ya Sesotho e be o di ngola ka Sesotho se nepahetseng.
Bala lengolo lena le latelang ka hloko. Ho na le diphoso (tse kang tsa puo, mopeleto le tsa tshebediso ya matshwao a puo) tseo o seng o di ngoletswe ka mongolo o ntshofaditsweng. Le ngole hape o se o lokisitse diphoso tse fumanwang ho lona.
Ke o tsibisa ho re ke ntse ke iruta hantle sekolong le ha ke na le mathatanyana a hlokang ho rarollwa kapele.
Mosuwehlooho o ne a mbitseditse ofising ya hae, ho nshebisa hore ke a hlahella lenaneng la baithuti ba salletseng morao ka ditefello tsa sekolo. Ke kopa thuso ho wena malome ketle ke kgone ho lefella dithuto tsa sekolo, mme o nkgopoditse ho re letsatsi la hao la tswalo ke lefe ebile le fitile re sa elellwa, le ha ho le jwalo o re holele hle?
<fn>Sesotho SAL P2 Feb-March 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 14.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le, C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Malome a tla a nthabisa.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Re pholohile ka lesoba la nale.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Ya tla ya nthusa selefounu hoja ke ne ke le bothateng.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Matsatsi a ka a pele sekolong se setjha.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Dikahare di lokela ho utlwahala hore di bolela ka se bonweng.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Dintlha tsa bohlokwa di hlake.
Molaetsa o totobale e be wa nnete, o nyallane le se tlalehwang.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
E kenyeletse letsatsi le nako eo diketsahalo di etsahetseng ka lona.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Sebui se lelekele ditaba ka ho fumantshwa monyetla wa ho tla tshetleha puo.
Puo e sebediswang e lokela ho hlweka mme e be e nepahetseng.
Sebui se bue ka ditaba tseo se lokelang ho bua ka tsona.
Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso.
Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Posekarete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Ditaba di hohele mmadi.
Mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Letsatsi le sebaka di hlake.
Ke tsela ya ho ngola e sebediswang pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta.
Polelo e nngwe le e nngwe e arabele se builweng ke sebui se seng.
E ngolwa ka mokgwa wa puopehelo mme ha ho sebediswe di a bulwa di a kwalwa.
Lebitso la sebui le ngolwa letsohong le letshehadi mme le latelwa le kholone (:).
Tlhahisoleseding e nngwe e ngolwa ka hara masakana.
Sehalo le puo di itshetlehile kamanong ya dibui hammoho le sehlooho sa puisano.
Ho tlohelwe mola dipakeng tsa mantswe a dibui.
<fn>Sesotho SAL P2 Feb-March 2009.txt</fn>
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 200 - 250.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Matsatsi a phomolo ya dikolo a lokela ho sebediswa ka tsela e tswelang baithuti molemo. Ha se hangata sena se etsahalang. Baithuti ka ho fapana ha bona ba sebedisa matsatsi ana ka ditsela tse fapaneng, ba bang ba etsa tse ba tswelang molemo, ha ba bang bona ba sebedisa nako ena hampe. Ekaba wena matsatsi a phomolo ya dikolo a sa tswa feta o a sebedisitse ka tsela efe Ngola moqoqo o phete ka moo o ileng wa sebedisa matsatsi a hao a phomolo ka teng?
E nngwe ya dithuto tseo o di etsang sekolong ke thuto ya khomphuta. E se e le dilemo tse pedi o etsa thuto ena, empa o se na khomphuta lapeng. Ena ke tshita e kgolo hobane ha o kgone ho tswela pele ho ithuta ha o le lapeng. Kajeno malome wa hao o o reketse khomphuta e ntjhantjha. O thabisitswe haholo ke sena. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka moo o thabileng ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Malome a tla a nthabisa'.
Wena le motswalle wa hao le ile la tloha lapeng le ya moketjaneng wa e mong wa metswalle ya lona. Le ne le tsamaya ka dilifiti hobane sebaka seo le neng le ya ho sona se le hole le mmila oo ditekesi di tsamayang ho wona. Le ile la fumana koloi e ileng ya le palamisa empa eitse ha le tshwanela ho theoha sebakeng seo le neng le ikemiseditse ho theoha ho sona, mokganni wa koloi a a eketsa lebelo. A hana ho emisa, mme a feta ka lona. Ngola moqoqo oo o ka wona o hlalosang se ileng sa etsahala mohla letsatsi leo. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Re pholohile ka lesoba la nale'.
Bophelo ba hao bo ne bo le kotsing e tshabehang hampe. O batlile o e shwa ngwana batho hoja wa se ke wa nahana kapele. O thusitswe ke selefounu ya hao. Hoja e se ka yona ho ka be ho buuwa tse ding kajeno. Ngola moqoqo oo ka wona o phetang ka moo selefounu e ileng ya o thusa ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Ya tla ya nthusa selefounu hoja ke ne ke le bothateng.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 80 - 100.
Sekolo sa heno se ne se etetse sekolo se seng motseng wa Thekong. Ka nako ya dipapadi ho ile ha tsoha qwaketsano e ileng ya lebisa ntweng e mpe dipakeng tsa baithuti ba dikolo tsena tse pedi. Jwalo ka moetapele wa lekgotla la kemedi ya baithuti, o laetswe ho ngolla mosuwehlooho le batswadi raporoto (tlaleho) ya se etsahetseng mohlang oo. Ngola raporoto e kgutshwane empa e fupereng dintlha tsohle.
Sebaka seo le ahileng ho sona se tobane le mathata a ho kgaoha ha motlakase kgafetsa. Ka bomadimabe, lekgotla la motse ha le etse tsebiso ka nako ha le tlo kgaola motlakase, mme sena se ama maphelo a baahi hampe. Ngolla mmasepala wa motse wa heno lengolo o tletlebe, o be o etse ditlhahiso tse itseng tse lebisang tharollong ya bothata bona.
Mosuwehlooho sekolong sa heno o nkile qeto ya ho tlohela mosebetsi ho tloha selemong se tlang. O moetapele wa baithuti mme matitjhere a o kopile ho hlophisa puo bakeng sa mokete wa tumediso ya mosuwehlooho. Ngola puo eo o tla e bala mohla letsatsi lena.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 60 - 80.
Ba koranta ya Daily Sun ba hlahisitse sekgeo sa mosebetsi wa botlelereke. Ho hlokwa bahlankana le barwetsana ba dilemo tse pakeng tsa tse leshome le metso e robedi ho isa ho tse mashome a mabedi a metso e mmedi ba seng ba fetile Kereite ya 12. Bakopi ba mosebetsi ona ba lokela ho romela Tokomane ya Boitsebiso le Diphihlello. Ba ngolle Tokomane ya Boitsebiso le Diphihlello (CV) eo o tla ba romella yona mmoho le lengolo la hao la kopo ya mosebetsi.
O e mong wa baithuti bao Lefapha la Bonono le Setso le ba hlwaileng ho ya rutwa le ho rupellwa Sesotho Yunivesithing ya Lesotho motseng wa Roma nako ya kgwedi tse pedi. Hona jwale o ntse o le moo yunivesithing. Ngolla motswalle wa hao posekarete eo ka yona o arolelanang tsa moo le yena.
Baithuti ba sekolo sa heno ba fuwa kotlo ya ho kgotha le ho hlwekisa jarete ha ba fihlile lata sekolong kapa ba sa etsa mosebetsi wa bona wa hae. Lekgotla la kemedi ya baithuti (RCL) le hanana le kotlo ena. Nthabiseng, moetapele wa baithuti ke enwa o buisana le mosuwehlooho ka taba ena.
Nthabiseng: Kgotso Ntate.
Mosuwehlooho: Dumela Ausi Nthabiseng.
Nthabiseng: Ntate, ke tlile ho wena tjena hobane ke lakatsa hore re ke re buisane ka kotlo ena eo baithuti ba e nehwang sekolong mona ha ba entse diphoso. Rona re le kemedi ya baithuti ha re dumellane le mohato ona. Re na le mabaka bakeng sa ntlhakemo ena ya rona.
Mosuwehlooho: Mabaka a lona ke afe Nthabiseng Le hopole hore bana ba lokela ho kgalengwa. Re ke ke ra shebella feela ha dintho di senyeha mona sekolong?
Tswela pele ka puisano ena.
<fn>Sesotho SAL P2 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 7.
Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo.
Ha ho bopaki ba hore moralo (kapa moralo ha o a etswa hohang) o lebisa tlhahisong ya moqoqo o ngotsweng.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Tshebediso e ikgethi-leng ya sehalo e ntla-fatsa se ngotsweng ka tsela e babatsehang.
Sebedisa sehalo ka ho fapafapana ka bokgoni bo haellang haholo.
Nehelano e ntle haholo.
Mosebetsi ha o a lekolwa botjha ho lokisa diphoso Diphoso di ngatangata hoo le moelelo o batlang o le lerootho.
Moithuti o tshwauwa hodima matshwao a mashome a mahlano . Matshwao ao moithuti a a fumaneng (ha a se a tshwailwe) a fetolelwe ho matshwao a mashome a mane.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatse-hang.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka bo-tlalo mme dintlha tsohle di a se tshehe-tsa.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bo-kgoni bo haellang.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo.
Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape.
Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
<fn>Sesotho SAL P2 Nov 2008.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 200 - 250.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
O ne o hlaha sekolong o tsamaya mmileng o lebileng lapeng leno ha o tla bona kotsi e mpe e ileng ya etsahala dipakeng tsa lori e neng e laetse ditene le koloi e nyenyane. Baeti ba babedi ba neng ba le koloing eo ba tswile dikotsi tse mpe mme ha ba kgone ho hlalosa se ileng sa ba hlahela. Mokganni wa lori ha a ka a emisa, o ile a baleha. Ke wena feela ya boneng mohato o mong le o mong wa se ileng sa etsahala. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka botlalo ketsahalo ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Ke hopola mohato o mong le o mong wa kotsi ena.'
Selemo sena ke sa ho qetela o le sekolong sena. Ho na le batho ba bangata bao o tla dula o ba hopola. O bile le monyetla wa ho etsa setswalle le ba bang ba bona. Hara batho ba ammeng bophelo ba hao ho bile le titjhere eo o e ratileng le ho e hlompha hobane e bile le tshusumetso e matla ho wena. E be ke motho ya jwang A ke o ngole moqoqo oo ho wona o hlalosang ka botlalo motho enwa wa bohlokwa hakaana ho wena. Sehlooho sa moqoqo e be, 'Ruri enwa motho o bohlokwa ho nna'?
O ne o menngwe lenyalong mafelong a beke e fetileng. Tse etsahetseng lenyalong leo ke tseo o ke keng wa di lebala. Ditlhophiso tsa lenyalo di nyopile boholo - ha ho letho le tsamaileng ka tshwanelo. Lenyalo lena e ne eka motlae. Ngola moqoqo oo ho wona o phetang tse ileng tsa etsahala letsatsing leo la lenyalo. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Ha ke eso bone diphoso tse jwalo'.
O badile buka ya Sesotho e o kgahlileng haholo ebile e o ruta ho hong mabapi le bophelo. Buka ena e o natefetse haholo hoo o ratang ho e phetela batjha ba bang hobane o rata ho arolelana le bona seo o ithutileng sona. Ngola moqoqo o phetang le ho hlalosa thuto eo mongodi wa buka ena a e fetisetsang babading ba hae. Sehlooho sa hao sa moqoqo wa hao e be, 'Thuto eo ke ithutileng yona bukeng ena'.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 80 - 100.
Batswadi ba hao ba ikgantsha le ho ba motlotlo ka tsela eo o sebeditseng hantle ka teng ditlhahlobong tsa mafelo a selemo. Ba o thabetse haholo mme ba rerile ho o etsetsa moketjana wa letsatsi la tswalo hoba o tla be o qeta dilemo tse leshome le metso e robedi. Ngola karete ya memo eo o tla e romella metswalle ya hao ho tla keteka le wena.
Bala tajana tsena tse hlahelang ka tlase mona. Ha o se o utlwisisa maemo ao a ditaba e be o ngola puisano eo o tla e ntshetsang pele ka seo ho buuwang ka sona.
Mofumahadi Modiehi o bile le bothata ka thelevishene eo a ileng a e reka ho le leng la mabenkele a thepa. Ke enwa o buisana le motsamaisi, monghadi Thekiso.
Mof. Modiehi: Dumela ntate. Mong. Thekiso: Dumela mofumahatsana. Na nka o thusaMof. Modiehi: Ke kgutlisitse thelevishene, ke yane ka koloing ya ka ka ntle. Ke e rekile ka Moqebelo empa e se e hana ho bapala?
Motswalle wa hao o sepetlele toropong e nngwe e hole le moo o dulang teng. O tswile kotsi ho thulaneng ha makoloi. O sitwa ho ka mo etela ka mabaka a itseng. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 60 - 80.
Moahisane wa hao o qadile kgwebo e nyenyane ya inthanete, difounu le ho tlanya (typing). O rekile khomputha a ba a hokela le difounu tse mmalwa.
o kopile ho mo thusa ka mawa a ka latelwang ho tsebisa setjhaba ka kgwebo ena mmoho le ditshebeletso tse fumanehang ho yona. O se o na le leano. O nahanne ho mo thusa ka ho mo ngolla pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) e nehelanang ka tlhahisoleseding yohle e hlokehang. E ngole ka makgethe.
Ka la 27 Mphalane 2007, sehlopha sa Afrika Borwa sa Rugby se hapile Mohope wa Lefatshe wa Papadi ya Rugby. Sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng ka bophara e bile Bryan Havana. Monna enwa o fumane kgau mme re motlotlo. Mo ngolle karete eo ho yona o mo lakaletsang mahlohonolo le ho mo thoholetsa hore a be le bokamoso bo botle papading ya rugby.
Sebini se tummeng ka mmino wa bodumedi e leng Rebecca Malope, o etela motseng wa haeno ho tla bina tse ding tsa dipina tsa hae. O e mong wa ditho komiting ya tsa boithabiso motseng wa heno ho hlophisetsa mokete ona. Ngola phoustara e tsebisang baahi ka konsarete ena. Hopola ho ngola dintlha tsohle tsa bohlokwa.
<fn>Sesotho SAL P2 Nov 2008 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 16.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong moqoqo o bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo a haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo.
SEBOPEHO: diratswana, selelekela le qetelo; bolelele bo loketseng Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo tse babatsehang hahlolo tse dumella nang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetseng. Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetseng. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi. Bolelele bo nepahetseng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofa tsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetseng. Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Bolelele bo nepahetseng. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. O batla o le molelele/ mokgutshwane. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. O molelele/ mokgutshwane haholo.
DIKAHARE (difuperweng): tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa ka botlalo le ka ho phethahala. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo lekaneng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang hanyenyane feela mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka bokgoni bo haellang haholo. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo, Rejisetara/ setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo, ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara e sebedisitswe ka bokgoni bo botle, setaele se hlakileng sa hae. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara e sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara e sebedisitswe hantle mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, dikapolelo le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara e sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, dikapolelo le bopaki bo bonyenyane bo supang kgetho ya mantswe e bontsha ng boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetaran le setaele di sebedisitswe ka tsela e lekaneng, feela e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha kgetho ya mantswe e haellang. Sebedisa thutapuo ka bokgoni bo haellang, dibopeho tsa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo bo haellang ba setaele sa hae. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, dikapolelo mme o bontsha tlhokeho ya kgetho ya mantswe e nang le boiqapelo. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara e loketseng, setaele kapa ho ikutlwahatsa.
Tshebediso e Tshebediso ya Tshebediso ya sehalo Taolo e lekaneng ya Tshebediso e seng Sebedisa sehalo ka Sebedisa sehalo ka ikgethileng ya sehalo ka tsela e ka tsela e tshebediso ya sehalo kae ya sehalo ka ho ho fapafapana ka ho fapafapana ka sehalo e ntlafatsa fapafapanang e fapafapanang e ka tsela e bontshang fapafapana. sewelo. bokgoni bo se ngotsweng ka laolwa ka ho batlang e laolwa ka ho ho fapafapana. haellang haholo.
tsela e phethahala. phethahala.
Ha ho diphoso Diphoso tse Diphoso tse mmalwa Diphoso tse mmalwa Diphoso tse ngata tsa Diphoso tsa Diphoso tse mopeletong, mme mmalwa tsa tsa mopeleto le tsa mopeleto le mopeleto le mopeleto di ngata; totobetseng tsa matshwao a puo a mopeleto le tshebediso e ntle ya tshebediso ya tshebediso ya matshwao a puo a mopeleto le sebedisitswe ka tshebediso e ntle matshwao a puo. matshwao a puo ka matshwao a puo sebediswa ka tsela tshebediso ya nepahalo le ka ho haholo ya bokgoni bo empa di sa ame e rothofatsang matshwao a puo phethahala. matshwao a puo. kgotsofatsang. moelelo. moelelo.
TEKOLO Bopaki bo hlakileng Bopaki bo hlakileng Bopaki bo batlang bo Bopaki ba ho Bopaki bo seng bokae moelelo.
BOTJHA: ho ba ho kgwaritsa ba ho kgwaritsa hlakileng ba ho kgwaritsa hape ho ba ho kgwaritsa hape, empa o hlolwa ke tse rothofatsang hlaola diphoso, hape ho lokisa hape ho lokisa kgwaritsa hape ho lokisa diphoso a ho bala hape ho lokisa ho lokisa boholo ba moelelo.
bala hape, le ho diphoso a sebetsa diphoso a sebetsa lokisa diphoso a sebetsa ka boyena ka diphoso. diphoso.
nehelana ka ka boyena. ka boyena. sebetsa ka boyena. tsela e kgotsofatsang.
sehlahiswa se Mosebetsi ha o a Mosebetsi ha o a phethahatseng Tema e Bopaki bo hlakileng Bopaki bo batlang bo Diphoso tse ngata di Bopaki ba hore lekolwa botjha ka lekolwa botjha ho babatsehang, e ba hore mosebetsi hlakile ba hore lokisitswe ha ho balwa mosebetsi o lekotswe tsela e lekaneng lokisa diphoso bopilweng le ho o lekotswe botjha, mosebetsi o lekotswe hape le ho lekola botjha ho lokisa hoo ho leng boima Diphoso di phethelwa ka tsela ha lokiswa boholo botjha ho lokisa botjha, mme ha diphoso mme ha ho bala sehlahiswa ngatangata hoo le e kgahlisang. ba diphoso mme boholo ba diphoso hlahiswa moqoqo o nehelanwa ka se phethetsweng. moelelo o batlang o sehlahiswa sa ho mme sehlahiswa sa kgotsofatsang. sehlahiswa se le lerootho.
qetela se setle ho qetela ke se phethetsweng se haholo. phethetsweng hantle. kgotsofatsang.
Nehelano e Nehelano e ntle Nehelano e ntle Nehelano e Nehelano e Nehelano e Nehelano e babatsehang. haholo. haholo. kgotsofatsang. amohelehileng. haellang. fokolang.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane).
Ke hopola mohato o mong le o mong wa kotsi ena.
Ruri enwa motho o bohlokwa ho nna.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwhalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Ha ke eso bone diphoso tse jwalo.
Thuto eo ke ithutileng yona bukeng ena.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boima. Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo. Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame. Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Diphoso tsa mo- peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle. Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo. Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima.
Nehelano e babatsehang. Nehelano e ntle haholo. Nehelano e ntle. Nehelano e amohelehileng. Nehelano e kgotsofatsang. Nehelano e haellang. Nehelano e fokolang.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
E romelwa bathong ba itseng hore ba be teng moketjaneng o ikgethileng.
Ditaba tsa hao di hlake, di tobe.
Letsatsi, nako, sebaka, moaparo, nomoro ya mohala ya ya memang di hlahelle kareteng.
Bonono bo a kgothaletswa.
Ke tsela ya ho ngola e sebediswang pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta.
Polelo e nngwe le e nngwe e arabele se builweng ke sebui se seng.
E ngolwa ka mokgwa wa puopehelo mme ha ho sebediswe di a bulwa di a kwalwa.
Lebitso la sebui le ngolwa letsohong le letshehadi mme le latelwa le kholone (:).
Tlhahisoleseding e nngwe e ngolwa ka hara masakana.
Sehalo le puo di itshetlehile kamanong ya dibui hammoho le sehlooho sa puisano.
Ho tlohelwe mola dipakeng tsa mantswe a dibui.
Aterese e le nngwe ya mongodi.
Puo e be e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Mohlahlobuwa a sebedise sehalo sa setswalle.
MORALO: tlhophiso ya mehopolo, kutlwisiso ya mosebetsi. Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang. Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang. Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang. Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane. Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo. O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi. Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsopfatsang. Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo. Phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng. Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe. Haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema. Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo. Ha ho moralo/ bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo. Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo.
SEBOPEHO: matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng. Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle. Selelekela le qetelo ke tse babatsehang haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e babatsehang. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo. Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle haholo, di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle haholo mme e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako. Selelekela le qetelo di ntle mme di dumellana le mosebetsi. Tema e bopilwe hantle mme boholo e nepahetse. O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng. Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang. Selelekela le qetelo di ntle ho kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka nepahalo ho lekaneng. O na le kutlwisiso e mahareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane. Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng. Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi. Tema e bopilwe ka tsela e bonolo mme e baleha habonolo. Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang. Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano. Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang, e baleha ha boimae. Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho. Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/ kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo. Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo. Tema e bopilwe ka tsela e fokolang mme e baleha ha boima haholo.
DIKAHARE (difuperweng): Tlhophiso ya mehopolo le dintlha, kgokahano, kelohloko ya baamohedi ba ditaba Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo. Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha. Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng. Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo. Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang. Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo. Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng. Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bofokodi bo boholo haholo.
PUO LE SETAELE: Tlotlontswe, popeho ya dipolelo; mopeleto, tshebediso ya puo; Rejisetara le sehalo setaele, kelohloko ya baamohedi ba ditaba, maikemi setso, maemo. Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso e babatsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bokgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae. Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala. Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng. Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo. Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo. Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse. Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo. Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang. Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae. Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang. Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane. Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng. Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng. Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo Tshebediso e haellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo. Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae. Diphoso tsa mo peleto di ngata; matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo. Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo. Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang haholo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo. Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa. Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Bala hape/ lekola botjha ho lokisa diphoso le ho nehelana Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso. Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang. Nehelano e babatsehang. Bopaki bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo. Nehelano e ntle haholo. Bopaki bo batlang bo hlakileng ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se setle. Nehelano e ntle. Bopaki bo kgotsofa tsang ba hore o badile hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e amohelehileng. Bopaki bo seng bokae ba ho bala hape ho lokisa diphoso. Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se kgotsofatsang. Nehelano e kgotsofatsang. Bopaki bo bonyenyane ba ho bala hape. Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e haellang. Diphoso tse ngata haholo mme di rothofatsa moelelo. Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso. Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima. Nehelano e fokolang.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola pampitshana e nang le tlhahisoleseding e tla hohela mmadi.
Sepheo sa pampitshana eo e be se hlakileng.
Se bontshe sehlahiswa, sebaka moo ditshebeletso di fumanehang teng.
Karete e lokela ho ba kgutswayane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola phousetara ka ditaba tsa pitso.
Phousetara e lokela ho ba le sehlooho se tla hohela batla pitsong.
Dipolelo di lokela ho ngolwa ka tsela ya dintlha.
Puo e tla sebediswa e lokela ho kgothalletsa hore setjhaba se tle pitsong.
Ditshwantsho ha di hlokahale.
<fn>Sesotho SAL P2 Nov 2009 Memo.txt</fn>
Memorandamo ona o na le maqephe a 15.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tshekatsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se seka-sekwa ka botlalo le ka ho phethahala.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e babatsehang.
Bopaki ke bo hlakileng ba hore moralo ke lebisang tlhahisong ya moqoqo o babatsehang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se seka-sekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle haholo.
Ikamahanya le ba re-retsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka bokgabane.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
Mohlahlobuwa o bontsha kutlwisiso ya boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Sehlooho se sekasekwa le ho phuthollwa ka tsela e ntle ho kgotsofatsang.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e amohelehileng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang, ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haella-ng, tse kgodisang hanyenyane feela, mme e se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Sehlooho se seka-sekwa le ho phutho-llwa ka bokgoni bo haellang haholo.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya moqoqo o lebelletsweng bo fokola haholo.
O haellwa ke kutlwi-siso ya ditlhokeho tsa mofuta wa tema e lokelang ho hlahiswa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata bo boholo.
Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bofokodi bo boholo haholo.
Bopaki ke bo haellang haholo ba hore moralo o ka lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e lokelang ho hlahiswa di haella haholo.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Selelekela le qetelo tse babatsehang haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Bolelele ke bo nepa-hetseng.
Ha ho diphoso mope-letong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phe-thelwa ka tsela e kgahlisang.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Bolelele ke bo nepa-hetseng.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Bopaki bo hlakileng ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafa-tsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e kgabane e bopilweng le ho phethelwa ka tsela e kgahlisang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Bopaki bo batlang bo hlakile ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e ntle haholo.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Selelekela le qetelo tse ntle ka tsela e kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Bopaki ke bo kgotso-fatsang ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e kgotsofatsang.
Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Bopaki bo seng bokae ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejise-tara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e phethetsweng mme e amohelehileng.
Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano.
Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang.
O batla o le molelele/ mokgutshwane.
matshwao a puo a sebediswa ka tsela e rothofatsang moelelo.
Bopaki bo a fokola ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, ba-amohedi ba ditaba mmoho le maemo.
Nehelano e haellang haholo.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e foko-lang haholo.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Ha ho bopaki kapa ke bo haellang haholo ba hore tema yohle e lekotswe botjha ka sepheo sa ho hlaola diphoso le ho e ntlafatsa kgokahano le momahano le ho bona hore dikahare, setaele, rejisetara le sephetho di loketse maikemisetso, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo. Ho boima ho e utlwisisa.
Nehelano e fokolang haholo.
SEBOPEHO: Popeho ya diratswana; selelekela, qetelo le bolelele bo hlokehang/ loketseng.
Diratswana tse phethahetseng, tse hokahaneng ka tsela e hlakileng ka dinako tsohle.
nang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle haholo tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle haholo tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Selelekela le qetelo tse ntle tse dumellanang le mosebetsi.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Kelohloko e seng kae diratswaneng mmoho le ho hokahana ha tsona ka tsela e lekaneng.
Selelekela le qetelo tse kgotsofatsang, ho latela mosebetsi.
Diratswana tse haellang tse batlang di hloka kgokahano.
Selelekela se haellang le qetelo e sa phethahalang.
O batla o le molelele/ mokgutshwane.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana) kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Selelekela se haellang haholo le qetelo e fokolang haholo.
O molelele/ mokgutshwane haholo.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya kgokahano e kgutshwane).
ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka thoko ka tsela e latelang.
Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela.
Ho tshwaya ke maikutlo a motshwayi. Sheba boiphihlelo ba mohlahlobuwa mme o fane ka matshwao dintlheng tse nepahetseng le ha ebe ha o dumellane le tsona.
Sebedisa ruburiki eo o e fuweng ho tshwaya moqoqo. Ruburiki e arotswe dikarolo tse tharo (A: Moqoqo, B: Tema ya kgokahano e telele le C: Tema ya Kgokahano e kgutshwane).
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Ona ke moqoqo o pepesang dintlha/ditaba.
Moqoqong ona ho fetiswa/hlahiswa dintlha kapa tlhahisoleseding ka tsela e utlwahalang. Ona ke moqoqo wa dintlha oo ho ona mongodi a hlalosang kapa a nehelanang ka dintlha ka tsela e otlolohileng e bontshang tatelano. Moqoqo o pepesang dintlha o ngolwa ka tlasa dipatlisiso tse matla mme dintlha di tshehetswa ka bopaki le ka dipalopalo.
Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tse etsahetseng. O ka ngolwa ka ho hlaha lehlakoreng lefe kapa lefe.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tsheka-tsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang.
Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodi-sang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tes ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo mahareng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e amohelehileng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebo-peho ka tsela e fokolang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batle-hang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phethahetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso e baba-tsehang, e nepahe-tseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Ha ho diphoso mopeletong, mme matshwao a puo a sebedisitswe ka nepahalo le ka ho phethahala.
Tema e batla e se na diphoso ho hang kaha e lekotswe botjha ho lokisa diphoso.
Tema e babatsehang, e bopilweng le ho phe-thelwa ka tsela e kgahlisang.
Nehelano e babatse-hang.
Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e nepahetseng.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle haholo ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethetsweng se setle haholo.
Nehelano e ntle ha-holo.
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso e ntle ya matshwao a puo.
Tema boholo e hloka diphoso hoba e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se setle.
Nehelano e ntle.
Tshebediso e kgotsofa-tsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bo-ntshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofa-tsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo se-bedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Diphoso tse mmalwa tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo ka bokgoni bo kgotsofatsang.
Tema e ntse e na le diphoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Diphoso tse ngata tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo empa di sa ame moelelo.
Tema e ntse e na le di-phoso tse mmalwa leha e lekotswe botjha ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se kgotsofatsang.
Nehelano e kgotso-fatsang.
Tshebediso e ha-ellang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo ha-ellang, o sebedisa dipolelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Tema e ntse e tletse diphoso leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethetsweng se baleha ha boima.
Nehelano e hae-llang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, sehalo le setaele tse loketseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Diphoso tse totobetseng tsa mopeleto le tshebediso ya matshwao a puo tse ka rothofatsang moelelo.
Tema e ntse e tletse diphoso tse ngatangata leha e lekotswe botjha ka maiteko a ho hlaola diphoso.
Sehlahiswa se phethe-tsweng se baleha ha boima.
Nehelano e fokolang.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Diaterese tse pedi - ya mohlahlobuwa (mongodi) hodimo ka letsohong le letona, e nto latelwa ke ya moamohedi wa ditaba.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Puisano e lokela ho ikgetha ka matshwao a yona.
Puisano e lokela ho toba taba.
Ditaba e be tse amanang le sehlooho.
Polelo ka nngwe e lokela ho arabela seo ho buisanwang ka sona.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
Dikahare di lokela ho utlwahala hore di bolela ka se bonweng.
Tlaleho e lokela ho toba taba.
Dintlha e lokela ho ba tse nepahetseng ebile ho ena le bopaki ba ditaba.
Dintlha tsa bohlokwa di hlake.
Molaetsa o totobale e be wa nnete, o nyallane le se tlalehwang.
Puo ho sebediswe e nepahetseng.
E kenyeletse letsatsi le nako eo diketsahalo di etsahetseng ka lona.
Aterese e le nngwe - ya mohlahlobuwa (mongodi) hodimo ka letsohong le letona.
Puo e hlakileng mme mongodi a tobe taba.
Tlhophiso ya mohopolo le dintlha, tsheka-tsheko ya sehlooho, kelohloko ya baamohedi ba ditaba.
Matshwao a sebopeho, diratswana, selelekela le qetelo (moo di hlokehang); bolelele bo loketseng.
Dintlha tse e tshehe-tsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phethahetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Moralo o entswe ka botlalo ka tsela e babatsehang.
Kutlwisiso e phethahetseng ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e babatsehang.
O sebedisitse melao yohle e hlokehang ya sebopeho ka tsela e phethahetseng.
Diratswana di phethahetse, di hokahane ka ho hlaka ka dinako tsohle.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang hangata ke tse kgodi-sang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Moralo o entswe ka tsela e ntle haholo, e thabisang.
Kutlwisiso e ntle haholo ya ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle haholo ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka bokgabane.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Diratswana tse ntle haholo, di hokahane ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Bopaki bo kgotsofatsang ba hore ho entswe moralo.
O tseba le ho utlwisisa boholo ba ditlhokeho tsa mosebetsi.
Bopaki bo botle ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e bopilweng ka tsela e ntle e kgotsofatsang.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Diratswana tse ntle tse hokahaneng ka tsela e hlakileng boholo ba nako.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo amohelehileng, bo mahareng ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhoke-ho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
O sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka kutlwisiso e lekaneng.
Diratswana tse ntle, tse hokahaneng ka tsela e utlwahalang.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgoka-hano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo seng bokae feela ba hore ho entswe moralo.
O phethahatsa ditlhokeho tsa mosebetsi mmoho le mofuta wa tema ka tsela e lekaneng.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng.
O na le kutlwisiso e ma-hareng ya ditlhokeho tsa sebopeho, dikgeo mona le mane.
Kelohloko e seng kae ya diratswana, di hokahana ka tsela e mahareng.
Dintlha tse tshehe-tsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Bopaki bo haellang ba hore moralo o entswe.
O haellwa ke kutlwisiso ya ditlhokeho tsa mosebetsi le mofuta wa tema.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo a fokola.
Sebedisitse melao e hlokehang ya sebopeho ka tsela e fokolang.
Diratswana tse ha-ellang tse batlang di hloka kgokahano.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fasohetseng.
Ha ho moralo/bopaki ba hore moralo o entswe bo haella haholo.
Kutlwisiso ya ditlhoko le mofuta wa tema e batlehang di haella haholo.
Bopaki ba hore moralo o lebisa tlhahisong ya tema e lebelletsweng bo fokola haholo.
Ha a sebedisa melao e hlokehang ya sebopeho.
Mongolo o molokoloko (ha ho diratswana)/kapa o ngola diratswana ka bokgoni bo haellang haholo.
Popeho ya tema ke e babatsehang.
Popeho ya tema ke e kgabane.
Popeho ya tema ke e ntle.
Popeho ya tema ke e mahareng feela.
Popeho ya tema ke e haellang.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Popeho ya tema ke e fokolang.
Tlotlontswe, dibopeho le mefuta ya dipolelo, dipolelo tsa bohlale, mopeleto, matshwao a puo le kelohloko e hlokolosi ya puo.
Rejisetara/setaele, sehalo, ela hloko baamohedi ba ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ho latela ditlhokeho.
Tshebediso e phetha-hetseng ya tlotlontswe, le kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso e baba-tsehang, e nepahetseng le e bontshang boiqapelo ya mefutafuta e batsi mmoho le dibopeho tsa dipolelo.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe ka bo-kgoni bo babatsehang, setaele se hlakileng sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang ka ho phethahala, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Kgokahano e phetha-hetseng ya dikahare le mehopolo, dintlha tsohle di tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo ka tsela e babatsehang.
Tshebediso e ntle haholo ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe hantle haholo mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ha-ngata ke tse kgodi-sang haholo, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema e na le kgoka-hano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se manollwa ka botlalo mme dintlha tsohle di a se tshehetsa.
Ikamahanya le ba reretsweng ditaba, maikemisetso le maemo le sebopeho ka tsela e ntle haholo.
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo.
Tshebediso ya mefutafuta e batlang e le batsi le dibopeho tsa dipolelo ka tsela e bontshang boiqapelo le e batlang e nepahetse.
Rejisetara le sehalo di sebedisitswe hantle, mme o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang boholo ke tse kgodisang, tse tshwarellang mme tse bopilweng ka boiqapelo.
Tema boholo e na le kgokahano ya dikahare le mehopolo, sehlooho se sekasekilwe mme boholo ba dintlha bo tshehetsa sehlooho.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e ntle.
Tshebediso e kgotsofatsang ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e bontshang boiqapelo bo seng bokae.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo kgotsofatsang empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo ka bokgoni bo haellang.
Rejisetara le sehalo sebedisitswe ka tsela e kgotsofatsang mme hangata o bontsha bopaki ba setaele sa hae.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang ke tse kgodisang, tse batlang di tshwarella mme di bopilwe ka boiqapelo ka tsela e kgotsofatsang.
Tema e bontsha kgo-kahano ya dikahare le mehopolo ho lekaneng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ikamahanya le ba rere-tsweng ditaba, maikemi-setso, maemo le sebopeho ka tsela e kgotsofatsang.
Tshebediso e lekaneng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe ka boiqapelo bo bonnyane.
Tshebediso ya thutapuo ka bokgoni bo lekaneng empa o sebedisa mefuta le dibopeho tsa dipolelo tse tlwaelehileng.
Rejisetara, sehalo le setaele di sebedisitswe ka tsela e foofo feela, e batla e ba tsa ka mehla kapa tse sekametseng lehlakoreng le le leng.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e kgodisang ho amohelehileng, empa ho na le ho kgaokgaoha.
Tema e bontsha kgokahano ya dikahare le mehopolo ka tsela e mahareng, mme ho na le dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo lekaneng.
Tshebediso e haella ng ya tlotlontswe, kgetho ya mantswe e haellang.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haella-ng, o sebedisa dipo-lelo tsa motheo ka nepahalo ka sewelo.
Rejisetara, sehalo le setaele di batla di sa loka; bontsha bopaki bo haellang ba setaele sa hae.
Dintlha tse tshehetsang ke tse haellang, tse kgodisang ho se hokae, mme ha se ka nako tsohle di bopilweng ka tshwanelo.
Kgokahano e seng kae feela ya dintlha le mehopolo. Ke dintlha tse seng kae tse tshehetsang sehlooho.
Ela hloko ba rere-tsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bokgoni bo haellang.
Tshebediso e haellang haholo ya tlotlontswe, kgetho e haellang ya mantswe a bontshang boiqapelo.
Puo e sebedisitswe ka bokgoni bo haellang ha-holo mme o thatafallwa ke ho sebedisa dibopeho le mefuta ya dipolelo.
Bopaki bo haellang haholo ba rejisetara, se-halo le setaele tse loke-tseng, kapa ho ikutlwahatsa.
Mehopolo le dintlha tse e tshehetsang di bopilwe ka tsela e fokolang mme di kgolweha ka bothata haholo.
Tema ha e bontshe kgokahano ya dintlha le mehopolo. Sehlooho se utlwisiswa ka tsela e fosahetseng.
Ela hloko ba reretsweng ditaba, maikemisetso, maemo le sebopeho ka bnofokodi bo boholo haholo.
Ntle le tataiso ena eo ho nehelanweng ka yona ka hodimo (ha ho tshwauwa ditema tsa Kgokahano, tse telele le tse kgutshwane) bahlahlobi ba lekodisise hantle sebopeho (ho ya ka mofuta wa tema). Sebopeho se fapana ho tloha temeng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ho etsa mohlala ha moithuti a hlahisitse le ho nehelana ka lengolo la semmuso, mohlahlobi o lokela ho tadima sebopeho se nang le aterese tse pedi, tumediso, sehlooho sa ditaba le mmele o bopilweng ka bokgabane le ka tshwanelo, mmoho le phethelo e nepahetseng.
Memorandamong ona ho nehelanwe ka tataiso ho ya ka dipotso (mefuta ya ditema tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti) tse botsitsweng pampiring ena.
Phousetara e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Ditaba di hohele mmadi.
Mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Letsatsi le sebaka di hlake.
Mohlahlobuwa a se lebale sebopeho sa posekarete, mohlala, diaterese, le tse ding.
Posekarete e lokela ho ba kgutshwanyane mme mohlahlobuwa a tobe taba.
Ditaba di hohele mmadi.
Mohlahlobuwa a ngole feela ditaba tse hlokahalang.
Letsatsi le sebaka di hlake.
Tshebediso ya mantswe e be e hohelang le e sususmetsang.
Tlhahisoleseding e hlalose sehlahiswa ka botlalo.
Tlhahisoleseding e kenyeletse aterese le dinomoro tsa mohala tsa motho eo sehlahiswa se ka fumanwang ho yena.
Tshebediso ya mantswe e be e amohelehang e hlwekileng e hlokang ditlhapa.
Ho sebediswa mongolo o moholo o bonahalang hantle.
Mmala wa pampitshana e be o hohelang.
<fn>Sesotho SAL P2 Nov 2009.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 9.
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlhakgolo tseo a tlang ho ngola ka tsona). Mohlahlobuwa o lokela hore a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o lokisa diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Ha mohlahlobuwa a lokisa diphoso a sebedise potloloto/pensele. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 60 a araba KAROLO YA A, metsotso e 30 a araba KAROLO YA B le metsotso e 30 a araba KAROLO YA C.
Kgetha sehlooho kapa setshwantsho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 200 - 250.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Ditsela di ngata tseo batjha ba ka itlosang bodutu ka tsona. E nngwe ya tsona ke ho ba le seabo dipapading. Ngola moqoqo ka mofuta wa papadi eo o e ratang mme sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Papadi eo ke e ratang haholo.
Moruo wa dinaha tsa lefatshe ka bophara o behile batho mathateng. Batho ba bangata ha ba sa kgona ho fihlella ditabatabelo le ditlhoko tsa malapa a bona. Bua ka seo o se utlwisisang ka moruo mme sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Maemo a moruo wa naha ya heso.
Ha o hola o lebelletswe ho ba motho wa bohlokwa setjhabeng. Batswadi ba hao le matitjhere ba o bontshitse tsela tse lokileng tsa ho phela. Tse ding tsa tsona ke tseo o ke keng wa di lebala le kgale! Ngola moqoqo ka: Melemo eo ke e fumaneng thutong ya titjhere kapa/motswadi wa ka.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka tlase ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo ka setshwantsho seo. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Setshwantsho se qotsitswe ho tswa bukeng ya Mmampodi, Tataiso ya ho Ithuta, leq.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka tlase ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo ka setshwantsho seo. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka tlase ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo ka setshwantsho seo. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Hlahlobisisa setshwantsho se ka tlase ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo ka setshwantsho seo. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 80 - 100.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho lokisa diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
Shebisisa setshwantsho sena o nto ngolla mmasepala wa motse wa heno lengolo, mme o hlahise tletlebo ya hao ka baahi ba silafatsang motse haholoholo dibakeng tseo bana ba bapallang ho tsona.
O fihlile kamora nako sekolong, mme ha o a ngola teko ya Sesotho mohlang oo. Titjhere ya hao ha e utlwisisi mabaka a hao. Ngola puisano pakeng tsa hao le titjhere o mo hlalosetse mathata a ileng a o hlahela tseleng.
Le sa tswa keteka mokete wa botjhaba le setso sekolong sa heno. Le ile la fumana tshehetso ho tswa ho borakgwebo ba motseng wa lona, batswadi, lefapha la thuto le ho matitjhere. Batshehetsi bao ba lokela ho fumantshwa raporoto ya diketsahalo tsohle tse etsahetseng ho tloha ho ditokisetso ho ya fihla pheletsong ya mokete. Ngolla batshehetsi bana ba lona raporoto e hlakisang diketsahalo tsa mokete oo wa botjhaba le setso.
Motswalle wa hao eo o neng o phedisana le yena o se a dula tulong e nngwe le batswadi ba hae. O fumane lengolo le tswang ho yena le o kopang ho tla eta matsatsing a phomolo. Ka bomadimabe o ke ke wa finyella ka tlasa mabaka a itseng. Mo ngolle lengolo o hlalose mabaka ao.
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 60 - 80.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho lokisa diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
Ngwaneno o ne a ile toropong le e meng ya metswalle ya hae. Ka bomadimabe ha a kgutlela lapeng tsatsing leo. Ba lelapa ba kgathatsehile mme ba lahlehetswe ke tshepo ya hore a o sa phela moo a leng teng. Etsa phousetara eo o tla e romella ho ba dikoranta hore setjhaba se le thuse ho mmatla.
O sa tswa amohela molaetsa hore motswalle wa hao ya ileng mose ho mawatle o o hloloheletswe. Mo ngolle posekarete o mo phetele hakgutshwane hore wena o ntse o etsang moo o leng teng.
O sa tswa bula kgwebo eo ho yona o rekisang dijo strateng se ka thoko ho toropo. Kgwebo ya hao e sa le nyane mme o batla ho e tsebahatsa. Etsa pampitshana ya tlhahisoleseding ho tsebisa setjhaba ka kgwebo ena ya hao.
<fn>Sesotho SAL P2 QP.txt</fn>
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 200 - 250.
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 - 100.
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane ya ka mehla - mantswe a 60 - 80.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa mantswe a 200 - 250.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pensele (potloloto) ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi wa hao le ho hlaola diphoso.
Hlokomela hore dintlha tse pedi tsena di abetswe matswao. O tla ikekeletsa matshwao ha o ka latela ditaelo tsena.
Wena le metswalle ya hao le kile la kena tsietsing e kgolo mona sekolong. Le ile la ba la bitsetswa ofising ya mosuwehlooho mme ya hla ya e ba taba e kgolo haholo. Le phonyohile ka soba la nale. A ke o ngole moqoqo mme o re phethele ka se neng se ile sa etsahala le hore le ile la pholoha jwang. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ha ke a phela ke pshemotse...
Afrika Borwa ke naha e ntle haholo eo baahi ba yona ba ikgantshang ka yona. Baahi ba yona ke ba merabe e fapafapaneng empa e phelang ka kgotso. Ditjhaba tsa mafatshe a mang a hole le haufi di dula di e rorisa. A ke o ngole moqoqo oo ka wona o hlalosang naha ena ya heno. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Afrika Borwa naha ya kgotso.
Matsatsi a phomolo ya dikolo a ratwa haholo ke bana ba dikolo. Phomolo e ratwang haholo ke ya mariha le ya ha selemo se fela ka Tshitwe. Ha dikolo di kwala nakong tsena o tla bona difahleho tsa bona di kganya kgotso. Letsatsing leo, bohle ba tlala morolo mme ba lebeletse matsatsi a tlang a phomolo ka tjheseho e kgolo. Ngola moqoqo o hlalose tse etsahalang ka mehla ka nako ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Matsatsi a phomolo ya dikolo...
Dintho di ngata tse hlahelang batho bophelong. Tse ding ke tse thabisang ha tse ding e le tse swabisang. Kajeno o thabile empa hosasa o swabile. Bophelo bo jwalo. Ngola moqoqo o qetellang ka mantswe a reng: Tjhe, ka tla ka swaba he mohlang oo...
Eka batho re ferekane kajeno, ha re sa tseba ho kgetholla dipakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Re bona matsatsing a kajeno bannabaholo ba ratana le bananyana ba banyenyane. Na ke ntho e lokileng hore batho ba baholo ba ratane le bana E be nnete ke efe tabeng ee A ke o re phetele pale e pakang hore sena se lokile kapa ha se a loka. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, Ena pale e paka hore..?
Ngola tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 80 - 100.
O mongodi komiting ya tsa dipapadi sekolong sa lona. Sekolo sa lona se ne se etile se ile ho bapala toropone e nngwe e hole. Ngolla mosuwehlooho tlaleho e kgutshwanyane/raporoto ka tsohle mme o hlalose ka botlalo tse ileng tse etsahala mohla letsatsi leo.
O mongodi wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti (RCL) la sekolo sa heno. Lekgotla lena le nkile qeto ya ho mema mosebeletsi wa setjhaba ho tla buisana le buithuti ka tshebediso e mpe ya dithethefatsi baithuting. Ngolla mosebeletsi eo wa setjhaba lengolo lengolo leo ka lona o mo memang ho tla buisana le lona.
Bala puisano e hlahellang setshwantshong sena se latelang. Ha o se o qetile ho etsa jwalo, ngola puisano ya hao moo o ntshetsang taba eo ho buuwang ka yona pele. Qala feela ka ho ngola puisano ya hao, se phete mantswe ao o a nehilweng.
Lenaneo ke la dipapadi, 'A re bapaleng'. Le tsamaiswa ke nna Mojalefa Saohatsi. Letsatsi ke la Mantaha, nako yona ke hora ya boraro thapama. Kajeno ke memme batjha ba sekolo sa Thapelong ba tla ba le rona kwano mme re tlo buisana ka tsa dipapadi. Mona ke na le Motlalepule, Teboho le Lerato. Dumedisang bamamedi he metswalle.
Bohle: Dumelang bamamedi.
Sebohodi: Ha se moo he batjha ba ka.
Lefatshe tsa 2010'. Na le bona dipapadi tsee tsa 2010 eka di tla re tlisetsa ho hong moruong Lerato o reng?
Lerato: Ntate, pele dipapadi tsena di ka tliswa kwano, ho lokela ho etswa ditokisetso. Hona ho bolela hore ho tla ba le mesebetsi e mengata bakeng sa Maafrikaborwa. Afrika Borwa e lokela ho haha ditediamo, ditsela, matlo esita le dihotele moo baeti ba rona ba tla dula teng. Mosebetsi o sa le mongata.
Sebohodi: A re keng re bue ka ditediamo tsa rona. Na re se re entse tema e bonahalang mabapi le kaho ya tsona Teboho wena o reng?
Ntshetsa puisano ena pele.
O ne o sa tswa keteka moketjana wa letsatsi la tswalo ya hao haufinyane tjena. E mong wa metswalle ya hao ya dulang hole le wena o ne a le teng moketjaneng wa hao. Ngolla motswalle enwa wa hao lengolo ho mo leboha.
Ngola tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 60 - 80.
Kgaitsedi ya hao e ikgapetse kgau ditlhodisanong tsa mabelo boemong ba sedika. O lokela ho tswela pele ho ya mohatong wa bobedi wa ditlhodisano tsa diprovinse tse tla tshwarelwa Pretoria. Mo ngolle karate eo o mo lebohisang ebile o mo lakaletsa mahlohonolo a tlhodisano eo a tobaneng le yona.
Baahi ba tletlebile ka motlakase o dulang o kgaohile ka mehla, haholo nakong tsa mantsiboya. O mongodi khampaneng ya Eskom. Le ikemiseditse ho ya lokisa dithapo tsa motlakase tseo tse bakang bothata bona. Etsa pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) eo o elelliswang baahi ka tsa letsatsi leo le tlo lokisa dithapo tsa motlakase ka lona.
Umsobovu e o file tjhelete e o tshehetsang hore o iqalle kgwebo. O se o qadile kgwebo ya hao. Bothata boo jwale o tadimaneng le bona ke ho phatlalatsa hore e tsebahale setjhabeng. Etsa papatso eo o tsebisang setjhaba ka ditshebeletso tsa kgwebo ena ya hao. O rerile ho hlahisa papatso ena masedinyaneng.
<fn>SesothoFA P1.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Letsatsi ke la leteterre. Ha e le motjheso wona ke wa sengadingadi. Motjheso ona ke o mona oo ho thweng o ntsha kwena bodibeng. Kwana motjheso moraorao tjena ha e sa le mohlolo naheng ena. Motjheso wa naha ena ditshiung tsa moraorao tjena o bakile komello e kgolo. Ka lebaka la motjheso ona monnamoholo Letsema o dutse tlasa sefate sa morara se ka pela ntlo ya hae e Block 4 motseng wa Kutlwanong. Sakatuku sa hae se ne se re te ke mofufutso o ntseng o qetha ho yena. Ha a tla dula ka ntle tlasa sefate sa morara, monnamoholo o ne a sa tswa fihla ho tswa mosebetsing letsatsing lena la Labohlano leo e bileng e leng la mafelo a kgwedi.
A sa dutse moriting ona wa sefate sa hae, a bona ho nyoloha motho ka seterata tlase mane.' Motho yane ya tlang le mane e ka ka Mojalefa. 'Ho realo monnamoholo. 'E re ke tadimisise hantle. 'Banna, e fela e le yena. Ha ho sa na thuso, o se a mpone. Ke se ke tla mpe ke dule ho fihlela a ba a fihla. Ekaba o tla ka dife kajeno Hoja Mmaneo o ne a le siyo ke ne ke tla mo leleka. E re ke thole. Mojalefa o tloha a elellwa hore ke ntse ke bua ke le mong hoba jwale o se a atametse.' Hang hoba a realo Mojalefa a be a se a fihlile. 'Dumela tau ya kgale!' Ke Mojalefa eo. 'Dumela moshanyana ka!' Ho araba Letsema?
Moo Mojalefa a reng o tla dula mohlweng o ka tlasa sefate sa morara Letsema a re ho yena: 'Butle, a ko eme hanyenyane nke ke yo o latela setulo ka tlong.' Ha a realo a be a se a ema ho ya se lata. Ha a le ka tlong a re ho Mmaneo: 'Setulo se moo se dulwang ka ntle se kae' Eo a araba ka ho re a re: 'Hao! o isa setulo kae Ha ke re ntate ha o fihla mo ke ile ka o fa setulo' Letsema a mo araba ka ho re: 'Ee, ke nnete o mphile setulo mme. Ha ke re Mojalefa ya moo ya kgathatsang o qeta ho fihla ka ntle ka mola. 'Ha a realo a qamaka ho batla setulo.' Ae bo ntate, motho eo ha a kgathatse. A ka kgathatsa jwang e le moholo wa kereke ya rona E re nke ke phumole setulo seo ka lelapi lena pele o se nka.' Ha a realo a be a se a ntse a se phumola?
Letsema a tswa ka setulo, mme ha a fihla ka ntle morareng a se fa Mojalefa. 'Ke a leboha ntate. Le hlotse jwang he ntate Letsema' Ho botsa Mojalefa. 'Re hlotse ngwana ka ha e se motjheso ona o tepeletsang. Lona le hlotse jwang' Ho araba Letsema.' Tjhe le rona re hlotse ntate ha e se moradi wa ka wa ho fejana eo ke fumaneng a se na bophelo ha ke tswa mosebetsing. Hloohonyana ena ya hae e ne e tjhesa. Empa tjhe, le ha ho le jwalo re sa bo leka. 'Ho realo Mojalefa. Ba sa dutse ha be ho se ho kupa lerole.' Monna wa heso e seng re balehele ka tlong. Lerole la mona disanteng le ka o etsa motho ya leshano. Ha Mojalefa a utlwa tseo yaba ha sa qeaqea o se a ema a sala monnamoholo Letsema morao. Kwana lerole lena e ne e le setsokotsane se iphetelang. Le ha ho le jwalo Letsema o ne a thabile hobane ka tlong ba ne ba tla kopanela sena seo Mojalefa a se tletseng le Mmaneo mosadi wa hae. Ha ba fihla ka tlong ba hla ba fetela ka phaposing eo ho rojwang monakedi ka ho yona. Hoba ba kene, Mmaneo a tlisa senomaphodi le dikuku. A dumedisa Mojalefa, ha a qeta a ntano dula fatshe ho nwa senomaphodi le bona?
Sebakeng seo monnamoholo a neng a dutse ho sona ho ne ho tjhesa haholo. Na o a dumela Tshehetsa karabo ya hao?
Mongodi o re letsatsi e ne e le la leteterre, ho bolelang ho re letsatsi le ne le tjhesa haholo. Qolla dipolelo tse ding tse pedi tse bolelang sena tse tswang temeng.
Ditaba tse phetwang tsena di etsahala hokae?
Na nako eo tsena di etsahalang ka yona ke nako ya tswelopele kapa ke nako ya kgalekgale Tshehetsa karabo ya hao?
Letsema o ne a akanya hore motho ya tlang ho yena ke Mojalefa. Ke mantswe afe temeng a bontshang hore o ne a se na bonnete ba taba ena?
Ke hobaneng ha Mojalefa a dumedisa Letsema ka mantswe aa 'tau ya kgale'?
Monnamoholo o sitilwe ke eng ho leleka Mojalefa, ha a bonahala a ne a batla ho etsa jwalo?
Na e be ha o bona, hobaneng a ne a batla ho leleka Mojalefa?
Ka tjhebo ya hao, ke hobaneng ha monnamoholo Letsema a re Mojalefa o a kgathatsa?
Ke ditaba dife tse sa thabiseng lapeng la Mojalefa tseo a di bolelletseng monnamoholo Letsema?
Na o bona dikamano pakeng tsa Letsema le mohatsa hae di le jwang Tshehetsa karabo ya hao?
Monnamoholo Letsema le mohatsae ba utlwisisa/tadima Mojalefa ka tsela e sa tshwaneng. Na o a dumela Tshehetsa karabo ya hao?
Ke sefe se bontshang hore Mojalefa e ne e le motho ya phahameng ka kerekeng?
Letsema le Mojalefa ba tlositswe ke eng ka ntle moo ba neng ba dutse ho ya ka tlong.
Bala ditaba tsa tema e latelang ka hloko le kutlwisiso. Ha o qeta akaretsa ditsela tseo motho a ka sebetsanang le kgatello ya maikutlo ka tsona ka mantswe a hao a sa feteng 50. Ngola ka mokgwa wa ho lokodisa dintlha. Ngola palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya karabo ya hao.
O phoquwe ke motho eo a neng a mo rata. A siya pelo ya hae e le bohloko. Lona baena le dikgaitsedi le tlameha ho tseba hore ho utlwiswa pelo bohloko ha ho bolele hore motho o tlameha ho inehella jwala le dithethefatsi. Ke bolela le hona ho leka ho kgutlela ho moratuwa wa hao wa kgale.
Re sa bue letho ka ho leka ho iphethetsa, nnete ke ho re ha ho tlhokeho ya ho itheola seriti. Jwalo ka ha ngaka McGraw a bolela: 'Ho nna o iphetisa pela habo moratuwa wa hao wa mehleng, ho mo letsetsa kapa hona ho mo romella melaetsa e mengata ka e-meile ha se ntho eo o tlamehang ho nna o e etsa.' Ho ka hlola mathata ana o tla tlameha ho ka iphapanyetsa ona. Mohlomong o ke o lebale o be o qale ho nahana botjha ka mora dilemo tse hlano.
Maikutlo le ditletlebo tsa hao le tsona di hloka ho tsotellwa, o di mamelle. Ena ke e nngwe ya ditsela tsa ho laola ho tetebela ha maikutlo hobane ke wena ya ikgethelang ho utlwa bohloko.
O ne a hlenne, melomo ena ya hae rephile, a tsweretse mahlo ao bofubedu bona ba ona e neng eka ba mokoko o nwele mahe. Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong. Ha a tsamaya, o ne a kapeha, eka motho ya thibang dinku tse batlang ho kena mabeleng. Ha a bua, o ne a lepolosa lentswe jwalo ka mokudi ya kulelang lefu. Ka nako e nngwe o ne a bitswe fatshe, a be a mamelle lefatshe nakwana. E re nengneng a eme a leke ho tsamaya. E ne e se feela, Ralehlatsa o ne a robile melala ya tse ngata dibotlolo tsa mohlang oo. Homme hona mohlang oo, o ne a lokela ho etsa mosebetsi pele letsatsi le dikela. O ne a lokela hore a be a qetile mosebetsi oo ka ha ka le hlahlamang o ne o batlwa ke mookamedi wa hae.
Ka thaveneng ka mona ho ne ho tletse ba mphato wa hae. Ho ne ho tletse hoo e neng eka baeka ba ka kopanong ya moo ba sebetsang. 'Banna, mookamedinyana yane o itse ke lokise mosebetsi ola oo ke le bolelletseng hore nna ha ke e so o etse.' Ke Ralehlatsa a realo a kebisa hlooho. 'Ke a kgolwa le sa hopola hore maobane ha re di lahla, ke ile ka le bolella hore ha e sa le a ikwalletse le nna ofising, a ntjhwatlela, a mpolella ka moo ke sa etseng mosebetsi ka teng. Ke a kgolwa le sa hopola hore ke ile ka le bolella hore o bile a ntshepisa hore o tla tlalehela ba baholo taba ena ya ka haeba eba nke ke ka lokisa ditaba tsa ka.' Hoba a realo, a ka a thola hanyenyane a ntano bohlela hodimo, a emetse ho utlwa karabo ho tswa ho ba mphato wa hae.
Ralehlatsa moshaneso, ke thabile hampe ha e le mona o se o elellwa ha ho e na le motho ya o qholotsang. Mosebetsinyana oo o se ke wa o etsa. Mokgatlo wa rona wa basebetsi o tla o buella o be o o namolele ho mookamedinyana eo ya fang batho mosebetsi jwalo ka ha eka ke makgoba'.
Fana ka mantswe a mabedi a nyenyefaditsweng ho bontsha nyediso/nyefolo.
Ngola lentswe lena 'moshaneso' ka botlalo.
Temeng eo o e badileng, kgetha mantswe a mabedi a bolelang methaka.
Nepahatsa dipolelo tse latelang ka ho sebedisa maetsi a ka masakaneng.
Mokgatlo wa basebetsi o tla o (buelella).
Ke tla (tlaleha) ba baholo ka ho se phethe mosebetsi wa hao.
Ho ya ka wena, ho kebisa hlooho temeng moo ho o fa moelelo ofe?
Mantswe aa 'mphato le mophato' a fapana jwang A ko a hlalose ka ho a sebedisa dipolelong tseo o tla iketsetsa tsona ho hlahisa moelelo wa ona?
Mahlo a hae a mafubedu a re ! Tlatsa ka leetsisa le nepahetseng.
Qotsa dipolelwana tse pedi temeng tse bontshang hore Ralehlatsa o ne a tahilwe.
Mantswe a sekamisitsweng a bongateng. Ngola polelo tsena ka nepahalo empa o a sebedisa a le bonngweng.
Melomo ena ya hae e rephile.
Dipolelo tse pedi tse ka hodimo di bontsha lerui. Ipopele polelo eo e leng ya hao moo o totobatsang lerui.
Hlalosa maelana /sekapolelo sena 'o ne a bitswe fatshe'.
Lentswe lena 'hlenne' temeng le ritsisitse/suthisitse moelelo wa lona wa sethatho. Bopa dipolelo tse pedi ka lentswe letsoho ho bontsha moelelo wa sethato le o ritsitseng.
Qolla lentswe le sothofaditsweng le sebedisitsweng temeng.
Polelo ena ' ke ile ka le bolella hore ha e sa le a ikwalletse le nna ofising, ...' e sebopehong sa boiketsi. Bopa polelo eo e leng ya hao e sebopehong sa boiketsi ka leetsi 'lokisa.'
Temeng eo o e badileng, qotsa polelwana eo ho sebedisitsweng papiso ho yona.
Bolela mofuta wa polelo o sebedisitsweng meleng e mmedi ya pele temeng ena.
Sebedisa lesupi lena 'wane' polelong eo o ipopetseng yona.
<fn>SesothoFA P1Memo.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 5.
Ee. Monnamoholo o ne a dutse ka tlasa sefate.
"Ha e le motjheso wona ke we sengadingadi."
Di ne di etsahala Block 4 motseng wa Kutlwanong.
Ke nakong ya tswelopele hobane: xKe motseng wa sejwalejwale o tsejwang ka hore ke Block 4 Kutlwanong; xHo ne ho dutswe ka phaposing eo ho rojwang monakedi ho yona; xHo ne ho phomoseditswe ka senomaphodi le dikuku.
O ile a re motho yane ya tlang le mane e kaka ke Mojalefa.
Ke hobane Letsema e se e le monnamoholo/ leqheku. Hape ke tumediso ya theneketso.
O sitilwe ke ho ba teng ha Mmaneo.
8 Hobane o ile a re ho mohatsae Mojalefa o a kgathatsa.
Mohlomong ke hobane Mojalefa o dula a ba etetse ka mehla, kapa monnamoholo o ne a batla ho dula a le inotshi/ mong a iphomolele.
Ke ditaba tsa hore o kulelwa ke moradi wa hae wa ho fejana, o fumane hlooho ya hae e tjhesa ha a tswa mosebetsing.
Dikamano pakeng tsa Mojalefa le mohatsa hae ke tse mofuthu, ba utlwana ba tshehetsana hobane: xRe bona mofuthu, lerato le tlhompho puisanong ya hae le mosadi qalong; xO ile a batla hore mosadi a be teng ha ba buisana le Mojalefa ka ditaba tseo Mojalefa a tlileng ka tsona.
Ee. Monnamoholo o itse Mojalefa o a kgathatsa, mosadi yena a re ha a kgathatse hoba ke motho ya phahameng ka kerekeng.
Tema e re bolella ho re ke moholo wa kereke.
Ho phomola/ iketla/ kgatholoha.
Jwang bo botle bo botala bo jalwang malapeng mme ho phomolwa hodima bona.
Ke lerole le fokang le ipopile, le nne le tsamaye ka sekgahla ho ya nqa e nngwe ho fihlela le fela.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo kaha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Motho ha a utlwisitswe pelo bohloko, ha a lokela ho inehella jwala le dithethefatsi. O tla be o itheola seriti ha o kgutlela ho moratuwa wa hao wa kgale, kapa o iphetetsa. O ka hlola mathata ana ka ho iphapanyetsa ona. O se etse bowatla ka ho mo letsetsa kapa ka ho mo romella melaetsa.
Bana ba mophato wa borobedi ba rutwa ke monghadi Lehlaso. Ba mphato ba ne ba le teng moketeng.
xne a hlenne, melomo ena ya hae e rephile. xHa a tsamaya o ne a kapeha; xa kgannela dinku mabeleng.
Molomo ona wa hae o ne o rephile.
A robile molala wa botlolo.
Marapo a dieta a kgaohile.
Letsoho la ka le ruruhile. (sethatho) Mosuwehlooho ha a le siyo, letsoho la hae mong, Sello o tshwara tsamaiso ya sekolo (o ritsitseng).
O ile a itokisa hantle ha a ne a ya moketjaneng.
x Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong.
Motse wane ke moo ke holetseng teng.
<fn>SesothoFALP3.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 5.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo.
x Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka wona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi hao le ho hlaola diphoso.
Dibakeng ka ho fapana re ntse re voutela boramotse metseng ya borona. Re etsa sena hobane re shebelletse hore ba re fe ditshebeletso tse phethahetseng. Ba bang ba bona ba phethisa ditshepiso ha ba bang ba sa di phethise kaofela. A ko ngole moqoqo o qoqe hore na ha o ka kgethelwa ho ba e mong wa boramotse tikolohong ya heno o ka etsa jwang. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Ha nka kgethelwa ho ba ramotse tikolohong ya heso.
Afrika Borwa e fumane tokoloho lemong sa 1994. Sena se tlisitse diphetoho le ha nthong tse ding ho se jwalo. Ngola moqoqo ka: Diphetoho tse tlisitsweng ke tokoloho.
Mathata ao re teanang le ona bophelong a re ama ka tsela tse fapafapaneng. Bang ba fellwa ke takatso ya dijo, ba bang ba qetela ba fokola mmeleng, ka nako tse ding ba fellwa ke boroko hara mpa ya bosiu. Ngola moqoqo ka: Bohloko ba ho hlobaela.
Molaotheo wa mmuso wa Afrika Borwa o ela hloko setso le ho bontsha kananelo ya botle ba ditso tse fapaneng. Batho ba ntse ba ikamahanya le setso kapa bodumedi jwalo ka lebollo, lenyalo la setso le tshebediso ya methokgo. Ba bang ba re ke diketso tsa bohetene. Qoqa o hlahise maikutlo a hao moqoqong ona: Setso le meetlo ya Basotho.
Dipapadi di bohlokwa ho kgatholla mmele le ho phomotsa kelello. Re atisa ho ya mabaleng a dipapadi re thabe ho bona dihlopha tseo re di tshehetsang di hlola. Batshehetsi ba a bina, ba hlaba medidietsane le hona ho letsa diletswa ka ho fapana ha tsona. Ngola moqoqo ka: Ra tla ra ithabisa mabaleng a dipapadi mohlang oo.
Ngola tema e le nngwe ya bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
O moetapele wa lekgotla la baithuti sekolong sa heno. Barutwana ba makgaolakgang ba tla etsetswa moketjana wa ditumediso pele ba ngola ditlhahlobo. Ngola puo eo o tla e tshetleha letsatsing leo.
Peipi e kgolo e fepelang metsi motseng wa heno e phatlohile. Baahi ha ba elellwe hore ba tla hloka metsi nako e tla etsa beke. Ngola tsebiso e tla phatlalatswa koranteng ho hlokomedisa baahi ka ho kgaoha ha phepelo ya metsi.
Mokgatlo wa lona wa lepato o tshwara kopano kgwedi le kgwedi. Jwale ka ha o le mongodi mokgatlong oo, ngolla ditho tsohle, o di tsebise ka kopano ya kgwedi. Ha o qeta o ngole le metsotso ya kopano eo.
Ngola tema e le nngwe e bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
Kgaitsedi ya hao e qetile lengolo la B.A. Lelapa leno le ikgantsha ka yena mme le rerile ho mo etsetsa mokete wa semetletsahadi wa dikapeso. Ngola karete eo o memelang ba leloko le metswalle ho tla thaba le lona.
Ngwaneno ke semathi se seholo. O fumane kgau dipeisong tsa mabelo. Mo ngolle posekarete, o mo thoholetse ka seo a se fihlelletseng.
Matsatsing ana palo ya bafu e ya e ntse e eketseha metseng e mengata. Ketsahalo ena e susumeditse borakgwebo ho bula dimmotjhara tse ngata. Iketsetse tlhahisoleseding eo o hohelang baahi ba motse wa heno e bileng e bontshang ditshebeletso tsa hao tse tlase.
<fn>SesothoHLP1.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C. Araba dipotso kaofela.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bala tema e latelang ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse e latelang.
E ne e le matsatsi a ka bang mararo monga lelapa lena le bana ba lona ba robala ka tlala. Lebaka ke hobane mosadimoholo Mmmadiepollo o ne a sa kgone ho theohela. Ha e le ho totoba teng mosadimoholo o ne a sa kgone ho totoba. Mosadimoholo Mmadiepollo o ne a dula le ditloholwana tsa hae tse hlano. Ba babedi ba baholwanyane ba bananyana e ne e le ba moradi wa hae e moholo ya sebetsang Benoni. Anthebane ba bararo bona e ne e le ba moradi wa hae ya neng a hlokahalle kotsing ya koloi mohlang a neng a e tla hae. Baradi bana ba hae ha ba ka ba tloha ba ile ba tseba lenyalo. Mosadimoholo le ditloholwana tsena tsa hae ba ne ba lokela ho hlokomelwa ke moradi enwa wa hae e moholo.
Mmadiepollo o dula Lusaka e leng motse o rehelletsweng ka o mong wa metse ya Zambia. Lusaka ke motsana o ka borwa ho motse o bitswang Masilo. Metse e mmedi ena e arohantswe ke seterata. Hona ho bolela hore Masilo le Lusaka ke ntho e le nngwe. Ho mpang ho di kgetholla ke ho re Lusaka ke setlabotjha seo matlo a sona e leng a mekhukhu. Baahi ba Lusaka bongata ba bona ke batho ba balehileng tshotleho mapolasing; ha ba bang bona e le batho ba tlileng motseng ona ka sepheo sa ho tla ithuela mobu oo e leng wa bona. Bongata ba baahi ba mona ha bo sebetse ka lebaka la leqeme la mosebetsi.
Jwalo ka baahi ba bang ba mona, Mmadiepollo le ditloholwana tsa hae ba phela ka dilopi. Ho phela ka ntle ho dijo e ne e se taba e neng e ba makatsa ka ha ba ne ba e tlwaetse empa le ha ho le jwalo ba sa e thabela. Dieketseng le Tlalane, e leng bana ba moradi wa hae e moholo, ba ne ba tsamaya sekolo ka bofokodi bo makatsang. Mosadimoholo Mmadiepollo o ne a dula a itlaleha lehlaba le mo nkileng ditshiu tse ngata le hana ho fola.
Ka tsatsi le leng Makatikati, e leng mora a le mong feela wa Mmmadiepollo a re balakatha! hoja a ne a sa lebellwa, ka ha e ne e se e le dilemo tse balwang ka mashome e sa le a kgolwa. Batho ba bangata ba ne ba se ba bile ba mo tetse ka kgopolo ya ho re o se a ne a ye boyabatho. Eka Makatikati o tena a etla hae tjena ka lebaka la hobane o ne a ile a teana le ya ileng a mo bolella ka bophelo bo fokolang ba mosadimoholo.
Nakong eo boMakatikati ba fihlang lapeng mona, ba fumane mma boDieketseng le yena a le teng. Kgaitsedi ena ya hae e ne e tlilo bona mosadimoholo mmabona le yena. E mong ya neng a boetse a le teng e ne e le rakgadia bona. Mosadimoholo Mmadiepollo mane moo a sekameng teng o ile a se hlole a utlwa mahlaba ha ba mmolella ho re Makatikati le yena o qeta ho fihla le mosadi wa hae ngwetsi ya hae.
Mosadimoholo Mmmadiepollo a se kgitla ha bohloko habedi hararo yaba o a thola. Ho ile ha ba le kgutso ka ha o ne a se a sa bokolle empa ha e le marameng a hae dikeledi tsa nna tsa keleketla ho ya ho ile. Dikeledi tsena e ne e le yona meokgo ya thabo hantle. Makatikati, kgaitsedia hae ba mo atamela ho bona hore na ketso ena e bolela eng. Ba fumana sefahleho sena sa hae se edile ebile e ka se ntse se bososela. Ha ba tadimisisa ba fumana hore mosadimoholo o ntse a kwala mahlo butlebutle le hona. Kgaitsedi ya Makatikati a se hlabela hodimo seboko. Ha e le rakgadia bona yena a mo thiba a ba a mo kgalemela ka thata a re a tlohele ho tuba. Ha eo a se a kgutsitse rakgadia bona a re photse! ha a fihla ka ntle a nka kepi a theohela mane thoteng. Hoba a kgutle a tulatula moriana oo a neng a tswa o tjheka, ha a qeta a o phehela mosadimoholo; ha moriana o se o fodile a mo nwesa wona.
Mosadimoholo o ile a fufulelwa mofufulelo ona o e so ka ba o bonwa hoba a nwe moriana oo. Mofufutso ona e ne e le mofufutso o nkgang ha bohloko ka tsela e makatsang. Dikobo tsa mosadimoholo di ne di le metsi di re tee! hoo e neng eka di tshetswe ka nkgo ya metsi. Ha mofufutso wa mosadimoholo o se o emisitse, rakgadia Makatikati a mo kenya bateng ya metsi a futhumetseng; ha a qeta a ntano mo tjhentjhela dikobo le ho mo busetsa moalong wa hae hape.
Mantsiboya ka bohora ya bosupa mosadimoholo a phaphama, ha a qeta a ba a totoba ho ikisa ntlwaneng. Erekaha a ne a sa fokola, rakgadia Makatikati a mo tshehetsa jwalo ho fihla le ho kgutla ntlwaneng. Jwale a fuwa lesheleshele leo rakgadia Makatikati a neng a mo fehletse lona. Yare ha a qeta ho nwa rakgadia Makatikati a mo pharehela moratha le diretlo tse neng di se di ntse di mo emetse. Kgidi, banna! ka mokgwa oo pelo ya hae e neng e le tshweutshweu ka teng a se ke a ja le kgale hona mohlang oo.
Ha metsotso e ntse e ja babedi, Makatikati a bitsetsa bohle ka mane ka ho Mmadiepollo. Ha bohle ba se ba feletse a tswa molomo. 'Ke maswabi haholo ha e le mona ke ile ka le lahla nako e telele ke tloheletse dintho tsohle ho wena kgaitsedia ka ha mmoho le wena rakgadi. Ke rata ho kopa tshwarelo ha e le mona ke ile ka lahla boikarabelo ba ka. Ha e le ho tloha hona kajeno lena ke ikemiseditse ho le thusa le ho jara boikarabelo ba ka. Hona jwale tjena ke rerile hore ha ke tsamaya ke tsamaye le Dieketseng le Tlalane hore ba yo kena sekolo ho nna kwana e le hore ke imolle kgaitsedi ena ya ka.'
Motho ya ileng a araba taba ena ka pele le hona, e bile mma bana. 'Makatikati nnake, ke thabela ha e le mona o hlokometse bohlaswa ba hao hape ke thabela boinyatso ba hao. Ha e le tshwarelo yona ngwaneso o tla e fuwa ke ba baholo, haeba ba tla etsa jwalo etswe e le bana ba sa phela. Ha e le ho tsamaya le bana ba ka teng ke ne ke re o se ke wa ba wa leka ho etsa jwalo hobane ha ba e so ntlhole.
Bolela mabaka a mabedi a entseng hore baahi ba Lusaka ba tlo aha teng.
Boiteko ba Makatikati ho rarolla mathata a lelapa e bile bofe?
Lebaka la mmabona la ho hana tlhahiso ya Makatikati ke lefe?
Ha Mmadiepollo a tla se kgitla ho ne ho etsahetseng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba lehlaba le neng le tshwenya mosadimoholo le ne le bakwa ke eng?
Mohlang Makatikati a fihlang habo lapeng, o ne a tsamaya le mang?
Hobaneng ha Makatikati a ile a kgutlela lapeng?
Ho ya ka kgatsedia Makatikati, se neng sekolong ka tshwanelo ke sefe?
Bolela hore na dipolelo tse latelang ke Nnete kapa Mafosisa tshehetse ka ho qolla ho tswa temeng.
Bala ditaba tsa temana ena e latelang o ntano di akaretsa ka mantswe a pakeng tsa 60 - 70 o hlahisa diphoso tsa Ntshiuwa lenyalong. Ngola ka mantswe a hao, ka tsela ya ho lokodisa dintlha. Qetellong ya ditaba tsa hao ngola palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Basotho ba ye ba re: 'Lenyalo ke kabelo.' Lenyalo le sa tlo qeta kgwedi esitana le beke le ye le itshupe. O tla fumana beng ba lona ba rwetse ka mokeke. Motho a re ka re o hlaha ka nqena, o kopane le Masilo le kgarebe ya hae. A re ka re o hlaha ka nqane, o se a thulana le Masilo le kgarebe ya hae hape.
Ka mora kgwedi tse tharo, Masilo le Ntshiuwa ba se ba nyalane, Mmamasilo o batla ba mo tswele ka ntlo, ba yo hira, hobane mohatsa Masilo o botswa, o bohlaswa, ha a tsebe le ho pheha. O bohale le ho ba bohale. O nyotola molomo le ho swenya nko ha a bua le mang kapa mang ka ntlong. Ha a tshwara eng kapa eng, o e tshwarela thoko kwana, ekare o tshwara ntho e nyonyehang, e tla tloha e mo senyetsa botle boo a leng bona.
Mohla a itherolotseng, a re o fiela phaposi ya bona, ha a ntsha diphatjana tsa maoto, o di hula feela. Ha a tshwanetse ho kgumama a korope kapa ho phumula le ho bentsha tapeiti, o a tsorama, a etse mabalankwe feela. Monna le yena o bona dintho tse ngata di sa ye ka tsela. Dijo o ja mahe a hadikilweng mehla ena. Hempe o e apara matsatsi. Habo o ne a apara hempe e hlwekileng letsatsi le leng le le leng, ho tloha ha e sa le ngwana, a kena sekolo.
Diaparo tsa ka hare le tsona, o bona a nka matsatsitsatsi pele a ka fuwa tse ding tse hlwekileng. Betheng mane moo ba isang masapo ho beng, ho se ho le leratanyana le thibang dinko. Ha motho a phahamisa kobo e ka hodimo, letsuka le a itlhahisa. Masilo o qala ho utlwa le ho bona hore tsena dintho le tsona di teng bophelong.
Ha ba hlaha mosebetsing, ba se ba eya habo Solly thelevisheneng hoba jwale ho sebakana le moo Masilo le mosadi ba hirileng teng, kapa ba se ba ikela baesekopong. Ba tla tla ba rekile tlhapi, ditapole le dikurubi tse pedi. Ba hlatswa mahano feela etswe ba ile ba ja ha 'Tjhesanyama' pele ba eya baesekopong.
Nkgonwa rona hlooho o ne a qetele mohla lenyalo ho e hlatswa le ho e kama. Wiki e lahlelwa hloohong hoseng ho hong le ho hong ha ho uwa mosebetsing. Ha ho ka etsahala hore e fefolwe ke moya kapa e tloswe hloohong ka tshohanyetso, batho ba ka bona dihaeya. Manala a matsoho ke metjhwebelele, a bile a kgopame pele mane ke bolelele. A pentwa letsatsi le letsatsi ka diferefe tse fapaneng tse tla tshwana le diaparo kapa dieta. Le manala a maoto a pentilwe. A mang ke mekwepa ena, ekare a mosadimoholo ya tshetshethang le bosiu.
E qotsitswe bukeng ya Sefatsa SL,'Makomo'.
Bala le ho boha tema e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse itshetlehileng hodima ditema.
Dipolelo tse latelang tse tswang temeng di na le diphoso. Di ngole hape mme o lokise diphoso tse ho tsona.
' ba bangata ha ba sa ikgathatse hohang ka ...'
' ba itsamaye butle ho fihlela a kwala ...'
' seo o lokela ho se sebeletsa ke ho tshela mmila kapelepele ...'
Polelwana ke ena e tswa temeng: 'e re le ha a se a buletse bona',.
Bolela hore na leemedi 'bona' le sebedisitswe ka tsela e jwang.
Ngola polelwana ena e ka hodimo hape empa o e qale tjena: E re ha mabone a...
Temeng mona ho buuwa ka ho re ditaaso di tshela mmila.
Sebedisa lentswe tshela polelong ya hao ho bontsha moelelo o fapaneng le o sebedisitsweng temeng.
Na lentswe mmila le fapane jwang le lentswe mmela?
Maele a Sesotho a re: Ha mmila/mmela o ntse o puta.
Mongodi wa lengolo lena o re: 'Mmila ke wa makoloi, e seng wa batho.' Na polelo ena ke ntlha kapa ke mohopolo feela Tshehetsa karabo ya hao?
Ditoropong haholoholo o fumana batho ba tshela mmila mabone a sephthephethe a buletse makoloi.
Ditaaso tse sa tsotelleng matshwao a mebileng di bolawa ke dikoloi.
Ngola dipolelonolo tse ileng tsa kopanngwa ho bopa polelomararane e ka hodimo ho 3.5.
Polelo ke ena. ' empa ka bomadimabe seo ha se etsahale ka dinako tsohle..' Ngola polelo ena sebopehong sa tumelo.
Polelong e ka hodimo ' .. ka dinako tsohle ..' Ke lehlalosi la nako. Ngola polelo eo e leng ya hao mme eo ho yona o sebedisitseng lentswe 'mmila' e le lehlalosi la sebaka.
<fn>SesothoHLP1MEMO.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Ba balehile tshotleho mapolasing.
O re ha ba eso mo hlole.
Makatikati ke maloma bona/ ke batjhana ba makatikati.
O ne a thabetse ho bona Makatikati.
Mmadiepollo o ne a bua ka pelo/ O ne a kgathatsehile.
Mohatsae/Mosadi wa hae.
Ho ikahela matlo.
Ho fihla hang feela o sa lebellwa.
Tjhelete eo a neng a tlameha ho e sebedisetsa sekolo o ne a lefella dingaka tsa mmae le ditlhoko tsa bona.
Rakgadi o ile a nka kepi a ya tjheka moriana thoteng; Ha a kgutla, a tulatula moriana; A o pheha. Ha o se o fodile a mo nwesa wona.
Mafosisa. Boholo ba baahi ba mona ha ba sebetse ka baka la leqeme la mesebetsi.
E babatsehang 9 - 10 Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane 7 - 8 Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang 6 E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng 5 Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng sa bohlokwa di senya phethalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng 4 Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana 2 - 3 Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsaditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha ho phihlello 0 - 1 Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Ntshiuiwa o botswa, o bohlaswa mme hape ha a tsebe le ho pheha.
x Kamore ya hae e nkga phu!
ba itsamaele butle ho fihlela a kwala...
seo o lokelang ho se etsa ke ho tshela mmila kapelepele.
Le sebedisitswe e le moetsuwa wa polelo.
E re ha mabone a se a ba buletse.
Ntswaki o tshela metsi ka pitseng.
xLentswe mmila le bolela tsela. xMmela o sebediswa ha ho ratholwa jwala.
Ha mmela o ntse o puta.
Ke ntlha hobane ke taba e amang batho bohle, eo ba lokelang ho e tseba. Ditaaso di na le sebaka moo di tsamayang teng.
Ditoropong haholoholo ha o fumane batho ba tshela mmila mabone a sephethephethe a buletse makoloi.
Ditaaso tse sa tsotelleng matshwao a mebileng ha di bolawe ke makoloi.
Ditaaso ha di tsotelle matshwao a mebileng. Ditaaso di bolawa ke dikoloi.
empa ka bomadimabe seo se etsahala ka dinako tsohle.
Ke ba fumane ba tsamaya butle mmileng.
<fn>SesothoHLP3.txt</fn>
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo nepahetseng.
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng leqepheng le ka hodimo.
xMohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona; xHa o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko dintlha tsena tse pedi.
Le le baithuti ba kereiti ya 11 le ne le nkile leeto la ho ya pokellong ya disebediswa tsa setso - tsela ya bophelo ba Mosotho wa kgale. Titjhere ya lona e ne e rata ha le ka ya etela sebakeng sena ho ya ithuta ka tsela eo Basotho ba neng ba phela ka yona kgale. Ngola moqoqo o re phetele ka tseo o ithutileng tsona leetong leno.
Seo ke ithutileng sona leetong leo.
Re bona matsatsing a jwale baithuti dikolong ba sebedisa dikgoka le ho ntshana dikotsi ka tsela e ntseng e ata. A ko qoqe ka moo sena se ka fediswang ka teng, mme baithuti bana ba tlohele dikgoka, ho tlatlapa ba bang le ho tella matitjhere.
Mekgwa e ka atlehisang kgalemo ya baithuti dikolong.
O ile wa ba lehlohonolo wa kgethwa o le e mong wa ba ileng ba ya mose ho ya emela baithuti ba Afrika Borwa tlhodisanong e itseng. E ne e se tlhodisano e bobebe, tangtang e ne e kgangwa ke lerole, ho setse feela hore ho kgaohe moo ho kgwehlang. Ngola moqoqo o hlalose tsa tlhodisano eo.
Tsa be di kgiba mohlang oo.
Nnete e a pholosa ka mehla. Ha ngata motho o phonyoha ditleneng tsa tau ka ho bua nnete. Nnete ya sena o a e tseba mme o na le bopaki ba sena.
hobane ka mehla yohle nnete e a phedisa.
Setshwantsho sena se latelang se bontsha ketsahalo ya bohlokwa e ileng ya etsahala ka selemo sa 1976, eo ho yona batjha ba selemo seo ba ileng ba etsa setjhaba sa Afrika Borwa motlotlo. Kajeno re fumane tokoloho tjena ka baka la bahale bana ba selemo seo. Na batjha ba kajeno bona ba hokae Ngola moqoqo o bapisa batjha ba 1976 le ba kajeno?
Batjha ba kajeno papisong le ba 1976!
Ngola tema e le nngwe ya bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
Ho a apolwa ho a apeswa sepetlele. Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, eo o neng o kena sekolo le yena o kula haholo ke lefu la phamokate. O hole le yena ka mabaka a itseng. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse.
Ketso ya ho inkela molao matsohong e jele setsi setjhabeng sa Rantsho. Mmuso o leka ka hohle ho bontsha setjhaba kotsi ya ketso ena ka ho fana ka tlhahisoleseding dithelevisheneng, masedinyaneng le dikopanong tsa metse. Ho tlepeditswe moshanyana ya se nang molato ka dipitla tsa majwe ho fihlela a shwa. O e mong wa baemedi ba setjhaba sepoleseng. Tlalehela setjhaba kopanong ya motse o se fadimehisa mabapi le hore ba nke mehato efe ha ba kopana le bothata ba dinokwane tse ba phedisang ha bohloko.
Ngola papatso ya lebenkele leo o sa tswa le bula motseng o motjha le rekisang thepa ya ho aha. Baahi ba thabela lebenkele lena le ahuweng motseng o motjha ka ha ba sa ntse ba dula mekhukhung.
Kgaitsedi ya hao e hlokahetse mme lelapa le o thontse hore o ngole tsa bophelo ba mofu (obitjhuwari). Re ngolle yona.
Letsatsi la hao la kajeno ha le a o tsamaela hantle. Ho bile le ntho tse etsahetseng ka tsela eo o neng o sa e lebella. Ngola dayaring ya hao diketsahalo tsa tsatsi lena.
Motswalle wa hao o batla ho tla moketjaneng wa hao wa tsatsi la tswalo empa ha a tsebe tsela hantle ho tla haeno. Mo ngolle ditaelo tse mo supisang tsela ho tswa toropong ya heno ho ya lekeisheneng moo o dulang teng.
Le ne le nkile leeto matsatsing a phomolo ya mariha ka sekolo ho ya lewatle Durban. Ngolla ngwaneno ya setseng hae posekarate moo o mo phetelang ka monate wa ho etela lewatle.
Tikoloho ya heno moo o dulang teng ho na le mathata a ho kwalwa ha metsi kgafetsa. Rala pampitshana ya tlhahisoleseding eo ho yona o nehang batho ba tikoloho ya heno tlhahisoleseding mabapi le tlhokomelo ya metsi.
<fn>Sotho Treasury.txt</fn>
Ho tsebahatsa botsamaisi bo bohlale ba ditjhelete ba mehlodi ya provense.
Ho hatella ho kenngwa tshebetsong ha Molao o mabapil le Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba.
Ntlafatso ya botsamaisi bo phethahetseng ba tjhelete, diketsahalo tsa ho boloka direkoto tsa ditjhelete, maano le mekgwatshebetso.
Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tlameha ho etsa tataiso e mabapi le ho sebediswa ha Molao. Tataiso ena e tla fumaneha ho eso fete Phato 2003.
Tsebiso ho ya ka karolo ya 15 e hlalosang mekgahlelo ya direkoto tse fumanehang ntle le hore motho a etse kopo ya phihlello ho ya ka dintlha tsa Molao ha e fumanehe ha jwale.
Ha ho hanwe ka phihlello ya rekoto eo tlasa mabaka afe kapa afe a ho hana a boletsweng Molaong.
Mokopi o tlameha ho sebedisa foromo e hatisitsweng Koranteng ya Mmuso [Tsebiso ya Mmuso R187 - 15 Tlhakola 2002] (Foromo ya A).
Mokopi o boela a tlameha ho bolela ebang kopo e le ya khopi ya rekoto kapa ebang a batla ho phetlela rekoto diofising tsa Tsamaiso ya Provense. Ka nqe nngwe, ebang rekoto e se tokomane e ka bohuwang ka mokgwa oo e kopilweng ka ona, ebang ho kgoneha karolo 292.
Ebang motho a kopa phihlello ka mokgwa o itseng mokopi o lokela ho nehwa phihlello ka mokgwa oo a kopileng ka ona. Ho dumellana le kopo ha ho a tshwanela ho sitisa tsamaiso ya lefapha, kapa tshenyeho ya rekoto, kapa ho tlole molawana wa kopitso oo e seng wa mmuso. Ebang ho ke keng ha nehelanwa ka phihlello ka mokgwa oo e kopilweng ka ona ka mabaka a bonahalang, empa ho ka nehelanwa ka yona ka mokgwa o mong osele, tefo e tlameha ho sebetswa ho ya ka kopo ya pele ya motho karolo ya 293 le 4.
Ebang, tlatsetsong ya karabo e ngotsweng kopong ya hae ya rekoto, mokopi a lakatsa ho tsebiswa ka qeto ka tsela efe kapa efe, mohlala: ka mohala, sena se tlameha ho bontshwa karolo 182e.
Ebang mokopi a kopela motho e mong tlhahisoleseding, o lokela ho bontsha jwalo ha a etsa jwalo karolo 182f.
Ebang mokopi a sa kgone ho bala kapa ho ngola, kapa a sa itekanela, a ka etsa kopo ya rekoto ka molomo. Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho tlatsetsa mokopi foromo mme a mo nehe khopi karolo 183.
Mokopi ya batlang phihlello ya rekoto e nang le tlhahisoleseding ya motho e mabapi le mokopi eo ha ho hlokehe hore a lefe tefello ya kopo.
Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho bolella mokopi (ntle le mokopi wa rekoto ya hae) ka tsebiso, e hlokang hore mokopi a lefe tefello e laetsweng (ebang e le teng) pele ho tswelwa pele ka kopo.
Tefello ya kopo e lefshwang dibopehong tsa setjhaba ke R35. Mokopi a ka etsa boipiletso ba kahare, ebang ho lokela, kapa qoso lekgotleng kgahlanong le thendara kapa tefo ya tefello ya kopo.
Kamora hore mohlanka wa tlhahisoleseding a etse qeto mabapi le kopo mokopi o tlameha ho tsebiswa ka qeto e jwalo ka mokgwa o kopilweng ke bona.
Ebang kopo e tswella tefello e nngwe ya phihlello e tlameha ho lefshwa bakeng la phuputso, tokisetso, katiso le bakeng la nako e ekeditsweng hodima dihora tse laetsweng tsa ho fuputsa le ho lokisetsa ho tsebahatsa rekoto.
Hore ho fihlellwe ditshebeletso tsa Lefapha, dikopo di tlameha ho lebiswa ho Hlooho ya Lefapha.
Ho ya ka dintlha tsa Melao le Ditaelo tsa Lekgotla la Ketsamelao la Provense, melao yohle e phatlalatswa bakeng la maikutlo a setjhaba pele ho buisanwa ka yona. Setjhaba se nehwa monyetla wa ho ngola dipehelo kapa ho hlahella ka pela dikomiti tsa dipotfolio tse fapaneng.
Melao e fapaneng ya provense e dumella ditho tsa setjhaba ho kgetha ditho tse tla sebetsa dikomiting tse itseng.
Mokopi a ka hlahlela boipiletso ba kahare kgahlano le qeto ya mohlanka wa tlhahisoleseding mothong ya kgethilweng ke Tonakgolo. Mokopi a ka hlahlela nyewe lekgotleng la dinyewe bakeng la ho fumana thuso e loketseng kamora hore a sebedise metjha ya kahare ka ho phethahala. Ho ka uwa makgotleng ebang Tsamaiso ya Provense e sa latela dipehelo tsa Molao. Sena se sebetsa boemong boo ho bona mokopi a lakatsang ho ipiletsa kgahlano le qeto e entsweng ke mohlanka wa tlhahisoleseding.
Ha ho hlokeha, Tsamaiso ya Provense e tla ntjhafatsa le ho phatlalatsa bukana ena, jwalo-jwalo kamora nako e sa feteng selemo.
Khopi e ngotsweng ka e nngwe le e nngwe ya dipuo tse tharo tsa semmuso e tlameha ho fumaneha sebakeng se seng le se seng sa direkoto tsa molao jwalo ka ha ho hlaositswe karolong ya 6 ya Molao wa Direkoto tsa Molao wa 1997; Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa; le ofisi ka nngwe ya sebopeho seo sa mmuso.
<fn>SpeechBudget2010.txt</fn>
Operation HlaselaKa ntle ho seo ba kgahlano le rona ba se dumelang, letsholo la ho hlasela le bontsha maikemisetso a potlakileng ao e seng a sepolotike empa ele mohato wa holokisa mathata a batho ba rona jwalo ka ha Tona kgolo a boletse puong ya hae ya se mmuso ya profensi.
Ka letsholo lena la Hlasela lefapha laka le abetse bo mmasepala ba ka hare ho porofensi ya rona tjhelete e kalo ka R110 million bakeng sa kaho le ntshetso pele ya marang rang a ditsela e le ka rolo ya yo ntjhafatso metse ya rona ya makeisheneng selemong sena sa ditjhelete.
Diporojekeng tsena kaofela, maikemisetso a rona a ho lwantsha bofuma le tlhokeho ya mesebetsi a ile a phethahatswa ka phumantsho ya mesebetsi ya nakwana le ya moshwelella ho baahi bohle ho kenyelletswa bomme le batjha.
Mangaung. Re e ntse hona ka kelohloko ya hore sena ke mosebetsi wa puso ya bohareng, empa ka bako la tabatabelo ya ho rarolla mathatha a setjhaba a botlokotsebe, re ile ra ba le dipuisano le Baseponesa moo ditumellano di eileng tsa fihlellwa ho tswela pele ka tshebetso ena.
Le ha ho bile le ditiehiso, re motlotlo ho phatlalatsa hore tshebetso etla qala haufinyana mme moaho wa nakwana otla bulwa haufinyana selemong sena sa ditjhelete. Hona ke pontsho ya sebele ya tshebidesano mmoho le mafapha a mmuso karolong tse fapaneng tsa puso tharollong ya mathata a setjhaba sa rona.
Jwalo ka karolo ya letsholo la Hlasela, re tla tswelapele ho fana ka dibaesekele ho baithuti ba kojwana di mahetleng di kolong tse mapolasing.
Freedom Charter ha e re: "menyako ya thuto e tla buleha ho bohle."
Motsamaisi ya hlomphehang wa ditherisano, ka hodima mosebetsi ona o moholo wa tokiso ya ditsela, Programo ya ntshetsopele ya borakontraka e tswelapele ho ba karolo ya leano la rona la ho lokiso ditsela ka hare ho profensi ya rona. Programo ena e shebile haholo batjha, batho ba sa itekanelang le bomme ka maikemisetso a ho ba kenyeletsa ka botlalo indasetering ena ya kaho.
Ho netefatsa boipaballo mebileng, lefapha laka ka tshebedisano mmoho le la thuto re tla ba le programa ya ho netefatsa hore baithuti ba mophato wa leshome ba fumantshwa di dilaeseense tsa ho kganna pele ba phetela dithuto tsa bona. Sena e le ho ba thusa ho thola mosebetsi kamora ho phetela mophato wa leshome hobane mesebetsi e mengata e hloka ldilaeseense ya ho kganna.
Re ya hlokomela hore hona le tshallo morao diteisheneg tsa phumantsho ya di lakesense tsa makoloi le ho kganna , le hore sena se na le ditlamorao tse sa thabiseng ho fokotseng bofuma le tlhokeho ya mesebetsi. Ho lokisa sena diteisene tsa rona di tla bulwa ka meqebelo le disontaha ho fumantsha baahi ba hlokang ditshebeletso tsena ho di thola.
Bus Services ho la Thabo Mofutsanyana . Ke thontse komiti ya nakwana ho etsa bonnete ba hore sena se a phetahala. Motsamaisi wa ditherisano Setjhaba sa Thabo Mofutsanyana haholo industeri ya ditekesi le basebetsi ba Maluti Bus Services hokenyelletswa le ba beileng meja fatshe ba tla una molemo diphetohong tsena.
Puong ya hae ya semmuso ya porofensi, tonakgolo Magashule o itse hare ho tse ding, selemong sena re tla beha setjhaba sa rona ka pele twantshong ya bo tloko tseba. Ho sena lefapha la rona le tla nka karolo e ka pele ho e tseng bonnete ba hore setjhaba sa rona se fumantswa thupello, re tla matlafatsa foramo tsa setjhaba tsa sepolesa, re matlafatse matsholo a kgahlano le dithethefatsi, thekiso ya mmele, phapanyetsano ya batho le tlhekefetso ya basadi le bana.
Ntwa kgahlano le bobodu ke enngwe ya dintlha tse hlokolosi haholo lefapheng lena la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwa. Lefapha le tla shebana le ho hlomamisa leano le lwantshang bobodu.
Motsamaisi ya hlomphehileng wa dipuisana, selemomg sa jwale ho ile ha tshwarwa basebeletsi ba bane mmuso phanong ya dilaesense ka hare ho lefapha.
<fn>StateoftheNation.2007.2009-04. St.txt</fn>
Puo ya Mopresident wa Afrika Borwa, Thabo Mbeki ka Boemo ba Setjhaba: Lekgotla la kopanelo ya Palamente.
Ha a ne a hlokahala, re tsebile hore Mme Adelaide Tambo o ne a sa tswa lokollwa sepetlele. Empa hoba re ne re tseba hape hore o ne a ena le tjheseho e matla le thato ya ho tsitlallela pele hara ba phelang, re ne re ikemiseditse ho mo amohela mmoho le ditho tse ding tsa lelapa la hae jwaloka baeti ba rona moketeng ona wa Phato. Empa ha ho a eba jwalo.
Hosane re tla isa hlompho ya rona ya ho qetela e le ha re hlompha mmele wa hae. Ka hoo o tla ba le rona ka moya fela ha re keteka letsatsi la tswalo la bo 90 la monna wa hae, ntate wa bana ba hae, molekane wa hae, khomreiti ya hae le mora ya tsebahalang wa setjhaba sa rona, Oliver Reginald Tambo. Re boela re fetisetsa matshediso a rona ho ba lelapa la Tambo.
Le ha ho le jwalo, ke ikutlwa ke thabile haholo ho amohela hara rona hoseng hona Mme Albertina Luthuli, moradi wa Moamohedi wa pele wa Kgau ya Kgotso ya Nobele, Morena Albert Luthuli, eo re ileng ra eba le sehopotso sa lefu la hae le sehloho dilemong tse 40 tse fetileng, selemong sena, re hopola letsatsi le sehloho leo ka lona ho ilweng ha fihla pehi ya hore o silahantswe ke terene e neng e le lebelong masimong a mmoba a KwaDukuza. Lefu la hae e bile le nyarosang le le sa tsebisahaleng fela jwaloka bophelo ba hae e bile naledi e re supisang tokoloho e re natefelang kajeno lena.
Ke ikutlwa ke le motlotlo hore Afrika Borwa ya temokerasi e bile le temoho le kameho ya ho ananela seo Albert Luthuli le Oliver Tambo ba se emetseng setjhabeng, ka ho rehella tse pedi tsa Dikgau tsa Setjhaba ka bona - Kgau ya Luthutli, le Kgau ya Balekane ba O. R. Tambo, ke tseba hape le hore ba amohetsweng dikarolong tsena tsa Dikgau tsa Setjhaba ba ikutlwa ba tlotlilwe haholo.
Ke thabile haholo ho amohela ka tlung ena bahale ba mohwanto wa Basadi wa Hlakubele 1956 le ba dikgaruru tsa Soweto tsa 1976, ba dutseng lebokoseng la Mopresidente, mmoho le baitedi bohle ba ikgethang ho tswa diprofenseng tsa rona, ba sisisntsweng ke Dibui tsa Diprofense ho tla ba ditho tsa sehlopha sa baeti ba bohlokwa bao re nang le bona mona kajeno.
Mmuso wa batho ba Afrika Borwa oo ke buwang lehatong la ona mona kajeno, jwaloka ha ke bile le monyetla wa ho etsa jwalo ka dilemo tse fetileng, o theilwe ka 2004, ka mora Dikgetho tsa Kakaretso tsa selemo seo.
Lekotleng kapa Bosberateng ya Pherekgong selemo le selemo, Kabinete ya Setjhaba, e emeng qullung ya tsela ya puso, hodima moo re nang le monyetla wa ho busa, e ile ya nahanisisa ka ntlha ya hore kopano eo e ne e tshwaya nako e mahareng ya mmuso o tswetsweng ka dikgetho tsa rona tse fetileng tsa 2004.
Re utlwisisitse hona, e bile tlhaho ho rona ho ka ipotsa potso ena - ke tswelopele efe eo re e entseng tjhesehong ya rona ya ho fihlella diphetho tseo re bolelletseng setjhaba ka botshepehi hore re ikana ka tsona, ka lebaka leo batho ba rona ba re fileng matla a sa kakeng letho ho busa naha ya rona ho tloha ka 2004 ho fihlela dikgethong tse latelang tsa 2009.
Ka tumello ya ona, ke tla rata ho tjhetjhella morao, ke hopole seo re se boletseng ka 2004, re le baemedi ba setjhaba sa rona, ho le teng metswalle ya rona ho tswa Afrika yohle, re ileng ra epa pitso setulong sa rona sa puso, e leng Union Building, Tshwane, ka letsatsi la Tokoloho, selemong sa boleshome sa tokoloho, re nkile karolo ha ho behwa Mopresidente wa Rephaboliki setulong, eo palamente ya rona e mo kgethileng, e hlompha thato ya setjhaba e bontshitsweng ka temokerasi ka nako ya dikgetho tsa 2004.
" Ka nako e telele naha ya rona e ne e fupere le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho" E ne e le sebaka seo ha o tswetswe o le motsho o neng o le ho sielwa lefa la kotlo ya bophelo bohle. E ne ele sebaka seoho tswalwa o le mosweu e neng e le ho jara morwalo wa dinako tsohle wa tshabo le kgalefo e patehileng........
E ne e le sebaka seo bofuma, monko wa bofutsana, disurishi tse mathang, ho senyeha ho bodileng, matshwele a sollang a bokgopo, ditshwantsho tse sa feleng tsa naha e tletseng ka matlakala lahletsweng bohlaswa hohle, se nkileng karolo e hlokang ho ntlafatsa botle ba sebaka se seng sa diterata tse makgethe, tsa mebila ya patsi, eo dipalesang tse thunyang di phahamisang jwang bo botalana bo binang, le dinonyana le matlo a lketseng marena le mafumahadi, le mmini o monate, le lerato.
E ne e le sebaka se ho sona ho dula dibakeng se itseng e neng e le ho mema ba bang ho o etsa phofu kapa ho inehela ho etsa ba bang diphofu, baahisane ba tiiseditsweng ho ba mahlatsipaa tahi le dithetefatsi hookobatsa bohloko ba ho phela, ba tsebang hore maphelo a bona ha se a tlwaelehileng ntle le polao hara bona, le peto le dintwa tse sehloho tse hlokang lebaka.
E ne e le sebaka seo ho dula hara boahisane bo bong e neng e le ho natefelwa ke polokeho le tshireletso hobane ho bolokeha ene e le ho sireletswa ke mabota a phahameng, difense tsa motlakase, dintja tse lebelang, hopaterola ha maponesa le mabotho a masole a malala a laotswe hosireletsa bao e neng e le marenana a rona, ka dithunya le ditanka le difofane tse neng i ka nesa lefu ho bao ba neng ba ka ferehla kgotso ya marenana.
Re bokane mona kajeno, letsatsing la tokoloho, hobane ka nako, setjhaba sa rona, mmoho le dibilione tsa batho ho ralala le lefatshe ho pota, bao e leng metswalle ya rona ya dihlomo, bao ba emetswengke baeti bana ba kgethehileng, ba ileng ba nka qeto mme ba re - ke ho qetello ya tseo tsohle!...
Re kgothatsehile haholo hore dikgetho gtsa rona tsa beke tse pedi tse fetileng, di hatelletse maikemisetso a setjhaba sohle sa rona, ho sa kgathaletsehe morabe, mmala le morafe, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang.
Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana. Hona ho amana le tsohle, ho tloha ka ho ntlafatsa bophelo ba setjhaba ho isa ho fokotseng ha bophahamo ba botlokotsebe, ho ya ho phahamiseng ha bophahamo ba ho kgona ho bala le ho ngola le kutlwisiso ya dipalo, le ho bulela bohle menyako ya thuto le botjhaba...
holona bohle, metsalle ya rona ho tswa lefatsheng ho pota, hore re ke ke ra eka tshepo eo le re rwesitseng yona ha le thusa ho re neha kgonahal ya ho fetola Afrika Borwa ho ba lefatshe la tekokerasi, la kgotso, le hlokang bosemorafe, le sa kgetholleng ka bong hape le atehileng, le tsepameng nlheng ya ponelopele ya setjhba se kopaneng.
Mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo o se o qalelletse.
Dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, ha ba ne ba itokisetsa ho epa pitso ya Seboka sa Batho (Congeress of the People), e ileng ya amohela le ho inkela Tjhata ya Tokoloho, ba ratang naha ba letsatsi leo ba ile ba re, Ha re bueng mmoho, bohle mmoho - MaAfrika le Basweu, maIndia le Bammala batho bohle ba Afrika Borwa......ha re bueng mmoho ka tokoloho.
Re tlameha kajeno ho ntjhafatsa boikano ba rona, ho bua mmoho ka tokoloho, ho etsa ka bolekane ho fihlella thabo ya bohle e tlamehang ho tla le tokoloho, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang, ho re, mmoho, ka ketso - ho lekane ka tsohle tse neng di etsa naha ya rona e fupare ka hare ho yona le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho!
Re tlameha ho tswelapela ho arabela nthakemo eo re buileng ka yona ha mmuso wa jwale o qala nako ya ona ya puso, re lemoha hantle hore "Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana, mme ka hoo hore "twantsho ya ho fedisa bofutsana e bile mme e tla tswelapele ho ba karolo e hare ya boikgathatso ba setjhaba ho aha Afrika Borwa e ntjha".
Ho kenya tshebetsong mekgwa ya tlatsetso ho bula haholwanyane menyako ya thuto le botjhaba.
ka keketso ho kenya letsoho tharollong ya dipotso tse ka sehlohong tse qobaneng le batho ba lefatshe.
Ke thabile ho tlaleha hore ho latela e nngwe le e nngwe ya ditlamo tsena, mmuso o dula o sebetsa haholo ho netefatsa hore maikemisetso a setjhaba a fihellwa. Ka palohare ya diphesente tse 4.5, sekgahla sa kgolo ya ikonomi ya rona dilemong tse pedi le halofo tse fetileng, e bi le se hodimo ka ho fetisisa ho tloha haesale re fumana temokerasi ka 1994. matsete ikonoming, ka bobedi dikarolong tsa bohle le tsa poraefete di ntse di hola ka diphesente di ka ba 11, ka hohle marangrang a motheo a karolo ya bohle di eketseha ka palohare ya diphesente tse 15.8 ka selemo. Kajeno, matsete a tsitsitseng e le phesente ya Dihlahiswa tsa Hae tsa Hohle-hohle - ka phesente e ka bang 18.4 - ke e hodomohadi ho toha ka 1991.
Palo ya batho ba sebetsang e ntse e hola ka lenaneo le ka ballwang ho halofo ya milione ka selemo dilemong tse tharo tse fetileng.
Re bone tswelopele e tsepameng ho matlafatsweng ha Batho-batsho ho tsa ikonomi. Ho tloha sekolotong sa diphesente tse ka hodimo ho tse 3 tsa mmaraka wa ditjhelete tsa JSE ka 2004, hona ho eketsehile ka phesente tse ka bang haufi le 5; mme karolo ya Batho batsho ba bolaoding bo ka hodimo e eketsehile ho tloha ho 24% ya palohohle ya 27%. Le ha ho le jwalo re tlameha ho dula re tshwenyehile hoba dipalo tsena di ntse di le tlase ka tsela e swabisang.
Dikgatelopele tsa Ikonomi di lahletse hodimo diphephetso tsa bohowa bakeng sa rona bohle. Keketseho e kgolohadi le e bolokilweng ya ditlhoko tsa basebedisi e bontsha maemo a kgolo a phetseng mabapi le katleho hara baahi; le diprojeke tse kgolohadi tsa marangrang tseo re tobanang le tsona di batla tlatselletso ya disebediswa le ya metjhini.
Empa boemo ba kgwebisano ya rona ya boditjhabatjhaba bo bontshe hore ha re a tleha ho aha bokgoni ba ho hlahisa basebedisi le dithoto tsa ditjhelete tseo naha ya rona e di hlokang. Ha sekoloto sa lelapa se nyolohile ka bophara ka mokgahlelo o le mong le kgolo ya meputso, ntlha ya hore maAfrika Borwa a boloka ha nyenyane e bolela hore rec tlameha ho itshetleha hodima dipolokelo tse tswang mafatsheng a mang. Ho hloka botsitso ho tswetseng pele ka dnako tse ding ha tjhelete ya rona le hona ha ho tlise tse monate ho diintaseteri tsa diromelwantle tsa rona.
Ka dilemong tse tharo tse fetileng, ikonomi e hlotse mesebetsi e millione le halofo. Ho a kgothatsa hore selemong sa Hlaubele 2005 ho fihla Halubele 2006 fela, 3000 000 ya mesebetsi e hlotsweng e ne e le makalenf a semolao ka ntle ho temo, e emetse sekhahla sa kgolo se ka bang 4%.
Karolo e nyenyane ya tsena ke menyetla ya mesebetsi ya dinako tsohle e hlotsweng ka Mananeo a Katoloso ya Ditshebeleso Tsa Bohle. Felaha ho potang hore lenaneo lena le ka gona hapele tlamehile ho hulelwa hoimo ho bonahalang. Hape ha hopotang hore re ka etsa ho le betere ka ho hlola borakgwebo ka dikgwebisano tse nyenyane le tse mahareng. Re nka hape hore palo e hodimo ya ba hlokang mosebetsi ke batjha, re ka etsa ho le betere ka dintlha tse kenang dipakeng jwaloka Ditshebeletso tsa Setjhaba tsa Batjha le ntshetsopele ya borakgwebo ba banyenyane.
Ke ntho ya boikgantsho hore, tsamaisanong le botelo ba rona ba ho aha setjhaba se kgathallang, re ntlafaditse kabo ya ditshebeletso ho tloha ka 2004 le dintlha tse ding tsa moputso wa setjhaba. Ha ba fumanang dithuso tsa setjhaba ba ne ba ballwa dimilioneng tse 8 ka 2004, kajeno dimilionetse 11 tsa maAfrika Borwa a futsanehileng a na le tokelo ya phumantsho ya ditshebeletso tsena. Ho a kgothatsa hore sekgahla sa kgolo e hodimo se, nakong ya ha jwale, bile taolong, jwaloka ha mananeo a fihla moo a hodileng. Hona ho tla netefatsa ho ntshetsopele, le ho hirwa ha disebediswa tsa mmuso ho aba ditshebeletso tsa ikonomi ho hlahisa menyetla e meng ya mesebetsi le ya dikgwebo.
Lenaneo la matlo le bone ho ajwa ha disaposidid tse ka bang 300 000 tse ntjha dilemong tse pedi tse fetileng. Le ha ho le jwalo, ha re batla ho ntlafatsa boleng le ho ntshetsapele mawa mabapi le bao ba ntseng ba fetwa ke mananeo a ntseng a le tshebetsong a setjhaba le a poraefete, bohato ba ketsahalo bo lenama ho feta ka moo re neng re lebeletseng. Re tlameha ho etsa ho ho hong ho fetola boemo bona.
Jwaloka ha ditho tse tlotlehang di bona, dilemong tse fetileng re ntsheditse pele le ho qala ho ho kenya tsebetsong mananeo a fapafapaneng a lebisitsweng ntlafatsong ya dipalangwang tsa bohle. Ona a kenyeletsa lenaneola matlafatso ya ditekesi le Boikitlaetso ba diprofense jwaloka Corido ya Seporo ya Moloto e Mpulanga eo ho yona ho seng ho qadilwe mosebetsi wa h fuputsa kgonahalo, corido ya Klipfontein Cape Town mmoho le projeke ya Gautrain le maqhama a yona ditshebeletsong tsa dipalangwang tsa setjhaba.
Tsena mmoho le boikitlaetso bo bong di bopa karolo ya mawa a dipalangwang tsa bapalami, tse kopanyang seporo le mmila. Re tla tobana le ho kenyatshebetsong o potlakileng ha mananeo ana ho ntlafatsa boleng ba bophelo haholo ba batho ba sebetsang.
Phumantsho ya motlakase, metsi le dikgwerekgwere di ntlafaditswe. Ka 2005 Afika Borwa e ne e se e fihlelletse ntlha ya Ntlafatso ya Milleniamo maloka l kabo ya metsi, le ntlafatso ya phumantsho ho tloha hom 59% ka 1994 ho ya ho 83% ka 2006. Ho ya ka United Nations Development Programme (UNDP), Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tse sebedisang tjhelete e nnyane ditekanyetsong tsa sesole le e ngata metsing le dikgwerekgwereng.
Afrika Borwa e bontshitse ka moo tokelo ya botho ya metsi e ka sebediswang e le motjha wa matlafatso le tataiso ya boikemisetso..... Ntlafatso ya ditokelo tse theilweng hodima metsi e entse hore e kgone ho atolosa kabo le ho hlola ho se lekalekane hwa bosemorafe ho siilweng ke aparteiti, ka karolwana ka ditseko tse theilweng hodima ditokelo.
Re tlameha ke hona ho keteka phihlello e kgolohadi tjena. Empa ke nnete hore dimilione tse 8 tsa batho di ntse di hloka metsi. Ba bang a bangata ba hloka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
Re motlotlo hore nakong ya selemo, re kgonne ho fokotsa ho salla morao ha phediso ya tshebediso ya mabakete dibakeng tse hauweng tsa bodulo ka halofo. Re motjheng ho fedisa ka hohle-hohle tshebediso ena e nyatsang botho dibakeng tsena mafelong a selemo sena.
Re tla tswelapele ho tobana le dipephetso tsena e le ho fedisa naheng ya rona tsohle tse mpe le tse nyonyehang hore mmoho re bue ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.
Teko ya thuto le phumantsho ya bokgoni di bontsha ntlafatso e hlileng e le hodimo ka 2004,le ha fela ka lenama. Hona ho lebiswa ho boemo ba ho kgona ho bala le ho ngola, palo yohle ya boingodiso sekolong le sekgahla sa ba nkang karolo thutong e phahameng. Sekgahla sa ho feta ditlhahlobong tsa metriki se yang hodimo le fatshe se bontsha hore ho sa hlokeha ho etsa ho hongata ho tsitsisa tsela ena le ho netefatsa boteng ba ntlafatso. Ka yona nako eo, palo ya baithuti ba metriki ba fetang ditlhahlobong tsa Mmetse ka boemo bo hodimo e betetshana ho ya 1995. re ntse re tswelaapele ho bontsha bofokodi ho kenya tshebetsong lenaneo la Thuto ya Motheo ya batho ba baholo.
Ha lenaneo la ho kgutlisetsa mobu ho beng ba ona le hlahisitse diphetho tse qetilweng ka nakwana ya jwale, re ntse re tlameha ho etsa ka natla ho sebetsana le melato e saletsengmorao, eo bongata ba yona e leng thata. Ka nqe nngwe, tswelopele e entsweng maloka le kabo ya mobu ke e nyenyane. Re tla etsa shebisisa ka hloko dintlha tse sitisan hore lenaneo lena le tla le potlakiswe.
Mananeo ana a setjhaba le a ikonomi a bopa karolo ya mawa a rona a ho fokotsa le ho fedisa bofutsana bo tselang pele ho ama boholo ba batho ba rona. Mosebetsi o entsweng hara selemo se fetileng, ke basadi ka motjha wa South African Women in Dialogue ba sebetsa le mafapha a fapafapaneng a mmuso, ho kenyelets le ketelo mafatsheng a kang Tunisia le Chile, moo ho hatetsweng pele haholo tshebanong le bofutsana, o bontsha diphoso tshebetsong ya rona ntlheng ena.
Potlakisa thupelo ya Basebeletsi ba Setjhaba ba Malapa boemong ba profeshinale le ba tlatsetso ho netefatsa hore malapa a hlwailweng a tshehetswa le ho lekolwa ka tshwanelo.
Hona ho tla hokahanya ba unang molemo wa dithuso tsa setjhaba le ditshebeletso tsa masepala le menyetla ya mosebetsi, ka dinako tsohle re be le tjhebelo ya hore bongata bo kgonahalang ba batho ba rona ba tlohela ho itshetleha ka meputso ya setjhaba mme ba kena mmarakeng wa mosebetsi. Ka nako e mahareng, re tla tswelapele ho fuputsa boikitlaetso bo botjha bo tla ntlafatsa ka moputso wa setjhaba ka kgatelopele. Ntlha e hlokolotsi ya mawa ana a setjhaba a kenang dipakeng e tshwanetse ho ba ho matlafatsa diteko tse kopanetsweng hara maAfrika Borwa ohle ho ntlafatsa tshebedisano.
Selemong sena sa ho keteka selemo sa bomashome a tshelela sa tumellano ya Dingaka ya baeteledipele metsana ya maAfrika le maIndia (AB Xuma, GM Naicker and Yusuf Dadoo) sa bo mashome a mararo a polao ya Steve Biko le sa bo mashome a mabedi sa ketelo ya dirtehi tsa maAfrikaner Dakar ho ya kopana le ANC, ntlha ya ho fapana ha boitsebiso ba rona kelello ya ho ba ma Afrika Borwa kaofela e tlamehile obapatswa metsaneng yohle, a mokgwa o tiisang kopano ya rona re le setjhaba. Ho tswela pele, ka ena, keteko ya selemo sa bo mashome a mararo sa ho thibelwa ha dikoranta tsa The world le The Weekend World, re tlamehile maoto le matsoho ho botsa potso ena - na bohle re nahanisitse maikarabelo a rona a ho aha kopano ya setjhaba le ho ntshetsapele kelllo e le nngwe ya le ho matlafatsa sekgomaretsi se tshwereng setjhaba sa rona mmoho!
Ka mantswe a mang, ditsela tse hlokehang ho ntlafata maqhama a setjhaba di ke ke tsa phethahatswa ke mmuso o le mong. Re tshwanetse hore mmoho jwaloka maAfrika Borwa re bue ka tokoloho ho ditlhoko le ho bola ha maitshwaro, re sebetse ho ka fihlella thabo e tlang le bolokoloho.
Ke na le tshepo ya hore bohle re tla dumellana ka hore ho sebetsa mmoho ho fihlella thabo e tlang le tokoloho ho tsamaisana ka ho lekanale diphephetso tsa ho tonbana le botlokotsebe.
Ho tsitlallela kgotso le tshireletso ho tla ama batho bohle. Ho tla aha le ho atisa maikemisetso a setjhaba a kgotso le ho thibela leuba la botlokotsebe le tobileng metsana le kelohloko e bohlokwa mekgwa e fapafapaneng ya botlokotsebe eo basadi ba tobanang le yona.
Kgotso le botsiso ba sepolotiki le tsona di bohareng ba matsapa a mmuso a ho aha tikoloho ya kgonahalo e kgothaletsang matsete. ho tla nkwa qeto e hlokang qeaqeo ho fedisa ho hloka molao, ho hweba ka dithetefatsi, theiso ya dithunya, botlokotsebe le haholoholo tlhekefetso ya basadi le bana
Bonneteng, re ke ke ra fedisa ho leng hobe le ho nyonyehang le ho tseka thabo e tlang le tokoloho ha baahi ba metsana ba phela ka tshabo, ba ikwalletse hara mabota le diterata tse hlabang, ba dulaba tshohile ka hara matlo a bona, diterateng le mebileng ya rona, a sa kgone ho natefelwa ke dibaka tsa bohle ka bolokolohi. Ka hona ho qaqile hore re tshwanetse ho eketsa matlafatso ya twantsho ya botlokotsebe.
Le ha re se re fetile palo e neng e behilwe ya mapolesa a 152 000 a hirilweng Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa, le ha re bile rentlafaditse lenaneo la thupelo, re elellwa hore sekgahla sa hona ha se a phahama ho lekaneng hore bohle a ikutlwe ba na lekelello e betere ya tshireletso le polokeho. Le ha re fokoditse diketsahalo tsa botlokotsebe ba kamo, sekgahla sa phokotseho ka selemo sa makala a kang boshodu, tlhaselo le polao e ntse e e ka tlase ho 7-10% eo re neng re e lebile.
Keketseho ya mefuta e itseng ya botlokotsebe ka nako ya seteraeke sa basebetsi ba tshireletso e tshwanetse ya be e re elellisitswe bohle ntlha ya hore intasteri ena ya tshireletso e ke ke ya tsamaiswa ha bonolo jwaloka kamano ya poraefete ya karolo ya poraefete. Ho qaqile hape hore tsamaiso ya melawana e teng ha e a naela. Hona ho tobile dintlha tse kang boemo ba meputso, ditsamaiso tsa kganetso, tiisetso ya tataiso ho makoloi a tsamaisang tjhelete, le tse ding.
Ena ke taba eo re tla shebanang le yona hara selemo, hore ka tlatseletso ya ho ntlafatsa mosebetsi wa mapolesa, reka kgona mmoho le intasteri ya ya poraefete ya tshireletso, ho aha tikoloho eo ho yona ditabatabelo tsa tshireletso tsa setjhaba, moo ditshebeletso tse kgolohadi di atoloswang, di hlile di a fihlellwa.
Re tla boela re tswela pele ho ekets boikgathatso ba ho ntlafatsa tshebetso ya makgotla a rona, ho eketsa sekgahla sa phokotseho ya melato e saletseng morao. Hape re tla netefatsa hore diqeto tsa ho atolosa marangrang a Ditshebeletso tsa Ditjhankana, re ntlafatse boalaodi ba tsa Taolo ya meeding hammoho le ditshebeletso tsa bofalli le ditokomane, hara tse ding, di kenngwa tshebetsong.
Boholo ba bofokodi ba ho ntlafatsa ditshebeletso tse nehwang baahi di tliswe ka karolo ke bokgoni bo fokolang le tsamaiso ho lekola ho kenngwa tshebetsong. Ha jwalo, ka nakong e lebisang ho fihla ho 2009, ntlha ya tlhophiso le bokgoni ba mmuso bo tla ba hodimo lenaneotsamaisong la rona.
Ho hlahelletseng, hara tse ding, e le sebaka se hlokolosi bakeng sa mawa a ho kena dipakeng ke dikahare tsa thupelo eo basebeletsi ba mmuso ba fumanang diinstitjhusheneng tse fapafapaneng le mosebetsi wa SA Management Development Intitution (SAMDI) eo ka nnete e tshwanetseng ho ba yona e ka sehlohong kabong ya ditshebeletso tabeng ya ho tataisa matshwele a basebeletsi ba mmuso mosebetsing.
Boemo ba phethahatso ka hara mafapha, ho amahanngwa a ditshebeletso tsa setjhaba le molawana wa bolaodi ba ditjhelete, di kopakopane. Ho qaqile hore hona ho ke ke ha dumellwa ho tswela pele, le ha re bile re hlokomela kelohloko e nepahetseng ya hore ditlhoko tsa dioditi tsabosetjhaba le ysa profense di bile matla. Ntlheng ena, ho bohlokwa ho sebedisa tsamaiso ya tumellano ya tshebetso haholo bakeng sa balaodi ba ka sehlohong.
Mananeo a ho ntlafatso ya bokgoni ba tsamaiso ya mmuso wa rona wa selehae a tswela ele. Hang hang ka mora dikgetho tsa selehae tsa Hlakubele 2006, mananeo a tataiso mosebetsing a ile a kenngwa tshebetsong, re hlokometse hore 62% ya dimeyara ba batjha.
Ho re tswenyang, fela, ke hore boholong ba bomasepala bana, bongata ba dikgeo di ntse di le teng kapa di hlahile haholo botsamaisisng bo ka sehlohong le diprofesheneng. Ho tea mohlala, ka Lwetse selemong se fetileng, 27% ya bomasepala e ne e hloka batsamaisi ba bomasepala; Ka mona ka Norh West, sekghlasa sa sekgeo batsamaisisng ba ka sehlohong se ne se le ka hodimo ho 50% ; mme Mpualanga ke fela 1% ya batsamaisi ba ka sehlohong ba phethetseng Ditumellano tsa Bohlokwa tsa Tshebetso.
Re tswela pele ho arabela iphephetso tsena mme re tla etsahatsa mesebetsi yohle e hlokehang, e tataiswang ke Mawa a Lenaneotsamaiso la Mmuso wa Selehae la Dilmo tse Hlano, le kenyelletsang hore bomasepala ba fuwe thuso e kenyang letsoho ke ditshebetso tsa mmuso le tsa diprofense, tsamaiso ya basebetsi ba nang le bokgoni ho ya dibakeng tse ba hlokang ho kenyelletswa le baithaopi ba profeshinale ho tswa bathong, le matlafatso ya dikomiti tsa sedika - 80% eo e seng e thehilwe ho ralala le naha.
Lenaneo la ho lebanya disebediswa tsa polane ho ralala le dikarolo tsa mmuso (ke ho re, Tjhebelopele ya Ntshetsopele ya Sebaka sa Setjhaba Mawa a diprofense a kgolo le Ntshetopele, le Merero e hokahneng ya Ntshetsopele) e tswelapele, le diprojeke tsa tekolo bakeng sa tebanyo e felletseng di etsahala didikeng le metseng e meholo e 13. Diprojeke tsena tsa tekolo di tshwanetse ho be di phethetswe mafelong a selemo sena.
Ke ntho e re nehang rekoto e motlotlo hore ka hodimo ho halofo ya didika lemetseng e meholo di e di tshwere Diboka tsa Kgolo le Ntshetsopele, mme tse ding kaofela di ikemiseditse ho phethela tsamaiso ena ho ya mafelong a Hlakole. Hona ho tla ala motheo wa tshebedisanommoho hara dipaterone tsa setjhaba ho akofisa ntshetsopele ya ikonomi ya selehae.
Ke tla rata ho nka monyetla wa mokete ona ho hlahisa diteboho tsa ka ho Motlatsa Mopresidente Phumzile Mlambo-Ngcuka bakeng sa bolaodi bo molota boo a faneng ka bona ho kenngwa tshebetsong ha Boikitlaetso ba Kgolo e Akofiswang le e Abelanwang (AsgiSA), a sebetsa le Matona le Diprimiri bao e leng Sehlopha sa Tshebetso, a tobane le dintlha tse ikgethileng tse tlamehang ho etswa ho netefatsa dikgahla tse phahameng tsa matsete le ho monywa ha basebetsi, ha mmoho le ditaba tse tsamaelanang le ntshetsopele ya bokgoni le ho kgona ha tshebetso ya mmuso. Re ananela haholo ho kenya letsoho ha Maloko ohle a Ekseketifi e balaodi ba rona ba basebeletsi ba setjhaba, ho ralala le makga a mararo a mmuso, ka ho etella pele tshebetso ena le ka ho kenyatshebetsong lenaneo lammuso kaofela. Hona ho bohareng ba boiteko ba rona ba ho fedisa ho hobe le ho nyonyehang metsaneng ya rona hore re tlere kgone ho bua ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.
matlafatsa ho kenngwatshebetsong ha mekgwa ya dikarolo tsa dikhastama ho tsamaisa matsete ho tshebeletso e kantle ya Tsamaiso ya Kgwebo, bohahlaodi, tsa dibeso le dikhemikale, le ho qetella mananeo a bonwang a meru le dipampiri, diaparo le matlalo, dimetale le boinjenere.
Ntshetsapele mananeo ho tsamaisa matsete dikarolong tsa letoto la neheletsano ya mananeo a marangrang a rona, ho kenyelletswa dithoto tsa ditjhelete ho ICT, dipalagwang le eneji; mabai leeneji, re tla potlakisa mosebetsi wa rona ho netefatsa boitshetleho bo boholo hodima ho fehlwa ha matla a nuclere, gase ya tlhaho le mefuta e fapaneng ya mehlodi e ka ntjhafatswang ya eneji. Mabpi le dikgokahano, ke thabile ho tsebisa hore Lafapha la tsa Dikgokahano mmoho le dikhampani tsa mehala e tsamaiswang le Telkom selemong sena ba qetella morero wa ho tobana le tefelo ya ho kgaotsa mohala molemong wa basebedisi. Ho eketsa moo, Telkom e tla sebedisa ditefelo tse ikgethileng bakeng sa sekgamu sa boditjhabatjhaba dikarolong tsa ntshetspele ya mehala tse 10 e nngwe le e nngwe e hira batho ba 1000, e le karolo ya ho atolosa sedika s BPO. Dikarolo tsena di tla thewa dibakeng tse hlwailweng ke mmuso. Ditefelo tse ikgethileng di tla bapiswaka ho otloloha le tseo tsa tshebeletso le bokgoni bo tswanang ka kgwedi tse nehelwang ke dinaha tse ding.
Hape retla nka mehatoe fapaneng ho ntlafatsa phehisano ho tsa ikonomi, hara tse ding ho theola ditjeo tsa ho hwebisana le ho hodisa matsete, ho kenyeletswa tsebiso ya tshebetso ya Regulatory Inpact Assessment (RIA), ntshetsopee ya bokgoni ba lebeleo le hodimo la boditjhabatjhaba, ho phethelamoralo wa h ntlafatsa bokgoni ba tshebetso ba batsamaisi ba tsa seporo le dikou, le ho matlafatsa phethahalo ya balaodi ba phehisano.
Tswelopele eo re entseng tsehetsong ya Dikholetje tsa Thuto le Thupelo e kolwane (FET) e bopile kgonahalo ho rona ho ka eketsa palo ya ditsebi tse teng. Ho qala selemong sena, disebediswa di tla ajwa ho fana ka dithuso tsa ditjhelete ho ba rupellwa ba hlokang, ba kenang diinstitjhusheneng tsena. Ka yona nako eo, re tla rarolla ka potlako ntlha ya maikarabelo mahareng a dididkadikwe tsa setjhaba le tsa diprofense bolaoding ba lekalala FET. Re tshepahore maiteko a rona a ho ntshetsapele sebaka sena sa monyetla a tla thusa ho romela molaetsa, haholo batjheng, hore bokgoni ba ditsebi bo bohlokwa bakeng sa kgolo ya ikonomi fela jwaloka dithuto tse ding.
Ka morakgokahano e keneletseng mahareng a mmuso le baetapele ba duyunibesithi tsa rona, ho fihlelletswe tumellano le ho nkwa diqeto ka disebediswa tse hlokahalang ho netefatsa hore bokgoni bo haellang bo a nehelwa.
Ntlheng ena, re rata ho thoholletsa seabo sa Joint Initiative on Skills Acquisition (JIPSA), e tlisang mmoho mmuso, kgwebo, basebetsi, diistitjhushene tsa thupelo le tse ding.
Jwaloka ha maloko a hlomphehang a tseba, re ekeditse haholo lenaneo la dikolo tse sa lefellweng.
Ha re tsamaisa marangrang ana le mananeo a mang re tla tataiswake boitelo ba rona ho netefatsa hore Mohope wa Lefatshe wa 2010 ke o motle-motle ka ho fetisisa. Re rata ntlheng ena ho thoholetsa Komiti ya Tlhophiso ya Selehae ya rona (LOC) le balekane ba bang ka mosebetsi o tswileng matsoho oo ba o etsang.
Ho a qaqa hore, ho netefatsa hore maAfrika Borwa ohle a natefelwa ke thabo e tliswang ke ikonomi e holang, ditshebetso tsena le tse ding di tla tsamaisana le mananeo a mang a keneletseng ho toba diphephetso Moruong wa Bobedi.
Tshebetso ya Bili ya Dikhampani, e nkilweng ke kabinete bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka laboraro le fetileng, e le karolo ya letoto la mekgwa ya hom fokotsa boima ba taolo e tobileng dientaprise tse nyenyane, tse bohareng le tse kgolo le ho matlafatsa bengdikabo ba banyenyanele basebetsi.
Re fetileng pehelo ya eo re ipehetseng yona ya 10 000, re tla eketsa palo ya batjha e nkang karolo Tshebeletsong ya Setjhaba ya Batjha ka bonyane 20 000 ka mafapha a rona a 18 ao a seng a nsheditsepele meralo ntlheng ena, re ngodise baithaopi ba banyane dilemong ba 30 000 boikitlaetsong ba ntshetsopele ya setjhba, re hire batho ba batjha dilemong b 5 000 e le karolo ya Lnaneo la Tshebetso ya Setjhaba la Katoloso ho hlokomela meaho ya mmuso.
Ho qalella ho kenya tshebetsong Molawana wa Ditokelo tsa Lefatshe la Karolelano ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebediso ya ikonomi ya lefatshe le arolelanwang, ha ka nako e le nngwe re atolosa dithuso tse kang nosetso, dipeo le disebediswa ho balemi ba banyenyane le ba baholwane.
Mananeo a ikonomi ao re boletseng ka ona a bopa karolo e kopaneng ya ho sututsa eo Afrika Borwa yohle e tshwanelang ho nka karolo ka mothati wa ho fokotsa boemo ba bofumanehi le ho se lekalekane setjhabeng sa rona. Ho rona ha se poeletso fela ho tiisetsa hore katleho ya temokerasi ya rona e tlameha hape e tla lekolwa ka mehato e bonahala eo re e nkang ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba makaqabetsing haholo ba setjhaba sa rona.
Hore re tle re kgone ho ntlafatsa mananeo a setjhaba ao re a kentseng tshebetsong ka dilemo, re ikemiseditse selemong sena ho phethela mosebetsi o seng o qadilwe ho lokisa tshebetso ya rona ya tshireletso ya setjhaba hore ho kenngwa tshebetsong hwa mekgahlela ho ka qalella e sa le nako. Karolo e hlokolotsi ya tokiso ena ke mosebetsi wa ho lokisa sepha se hlwailweng raporotong ya Komiti ya Diphuphutso ka hara tsela ya Tshebetso e Kenelletseng ya tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa ya 2002. Hona ke hore tshiya tse amohelang meputso tse kenyang letsoho tsa tshebetso ya tshireletso ya setjhaba ha e yo kapa ha e tshepahale bakeng sa lenaneo le lengata la bato ba sebetsang. Molao a tataisang tlhahiso ena ke hore, ka hodima tshebetso ya thuso ya setjhaba e hlahiswang ka tekanyetso ya mmuso, re hloka ho hlahloba ho kenya tsebetsong thuso ya tshireletso ya setjhaba e amahanngwang le moputso e tsebiswang ke molawana wa kopano ya setjhaba.
Lekgetho la tshireletso ya setjhaba ho lefella dipolokelo tsa motheo tsa ho bea meja fatshe, lefu, ho sa itekanele le diphumantsho tsa ho hloka mosebetsi.
Letona la tsa Ditjhelete le tla hlalosa ha batsi ka dintlha tsena puong ya hae ya Tekanyetso. Hoo re tshwanetseng ho ho ela hloko hona ke ha re phethela diphatlalatso tse ntjha tsa tshireletso ya setjhaba, mmuso o tla ikitalelletsa tsamaiso ya ditherisano le alekane bohle ba setjhaba e lengka bomong kapa ka NEDLAC.
Ka tlatsetso re qalelletse ho hlahloba ditsela tsa ho fihlella bana ba makaqabetsing ba ka hodimo ho dilemo tse 14.
Ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha projeke ya matlafatso ya ditekesi, ho kenya tshebetsong merero e hlalositsweng bakeng sa bapalami ba terene le ba dipalangang tsa mebileng ho kenyeletswa bus Rapid Transport System metseng e meholo le matlafatso ya Metrorail: mme ntlheng ena, e re ke nke monyetla ona ho hatella hore mmuso le balekane ka rona ho SANTACO re ke ke ra qobellwa ka dikgoka ho nyahlatsa projeke ya matlafatso ya ditekesi, mme ho tla sebetswa ka maiteko a mang le a mang a ho kgella fatshe molao wa setjhaba e le ho lelekisa ditabatabelo tsa boikgopolelo.
Ho tswela pele ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa ho lefela ba porofeshene ya tsa bongaka, l ho nehelana ka mehlodi e meng hape ho ntlafatsa boemo ba meputsoya matitjhere.
Ntshetsa pele mosebetsi ho tobana le disosa haholo tseo e seng tsa tlhaho tsa lefu hara setjhaba sa rona hammoho le mafu a tsamaelanang le mokgwa wa bophelo, malaria, mekgahlelo e fapafapaneng ya TB, dikotsi tsa mebileng le botlokotsebe bo nyarosang.
Ntlheng ena, mmuso o itela ho matlafatsa tlhokomediso kgahlano le HIV le AIDS le ho ntlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha dikarolo tse kenelletseng tsa mawa a tshebetso jwaloka thibelo, tlhokmelo ya ba hae le kalafi. Re tla netefatsa hore selekane se theilweng ka dilemo se a matlafatswa, le hore mawa a kanelletseng a lokisitsweng kgahlano le AIDS le tshwaetso ya mafu a thobalano a phethelwa ka pleka moo ho kganahalang.
Selemong sena re tla phethela merero e tsitsitseng ya ho kenngwa tshebetsong ha mekgahlelo ya ho qetela ya mananeo arona ho fihlellela tseo re ipehetseng tsona ka phihlello kabo ya metsi ho bohle ka2008, tsamiso ya dikgwerekgwere ka 2010 le motlakase ka 2012. hape re tlaphethela mawa le mananeo ho tobana le dintlha tsa kopanelo ya setjhaba, ho keyelletswa le mawa a kenelletseng a hokahaneng a kgahlano le bofumanehi ao re seng re a boletse, ha mmoho le ho tobana le dintlha tse amanang le setjhaba se kopaneng, ditheo tsa bohlokwa le boitsebiso.
Boiteko bona bohle, Mofumahadi Sebui le Modulasetulo, di tsamaisana le tjheseho e tswelang pele ya ho ntlafatsa polokeho le tshireletso ya metsana. Ntlheng ena, mmuso o tlanetefatsa hore diqeto tse seng i nkilwe maoka le ho matlafatsa ntwa ya rona kgahlano le botlokotsebe di kenngwa tshebetsong. Phephetso eo re tobaneng le yona ho shebana le ntlha ena ha e amane ho hang le melao.
Ekampane, ho hokehang ke tlhophiso e phethahetseng, pokelletso le bolaodi ba matshwele a baqobelli ba molao, tsa mahlale le bahlanka ba ditjhankana le basebeletsi ba tsa toka. Bongata ba basebeletsi bana ba mmuso ba bontshitse hape le hape hore ba ikemiseditse ho kenya maphelo a bona kotsing le ho tella nakonyana e nnyane ya boleng eo ba ka bang le yona le malapa a bona tshreletsong ya tokolphp le tshireletso ya rona.
Tlisa bokgoning bo lekaneng dilaboratori tsa forensiki tse hoketsweng ka thekenoloji ya ha jwale, le ho netefatsa tshebediso e hodimo ya motheo wa dintlha - ka nnete bongata ba dikatleho tsa ha jwale tharollong ya botlokotsebe bo tiileng di thusitswe haholo ke ditshebetso tsena.
Phethele dielemente tsa mokgwa wa ho fetola makgotla le ho ntjhafatsa tshebetso ya ona, ka dipuisano le diinstitjhushene tsena tsa bohlokwa tsa temokerasi ya rona.
Ntlafatsa manollo ya rona ya mefuta ya botlokotsebe ho ntlafatsa tshebetso ya rona maloka le thibelo le phediso ya botlokotsebe. Ntlheng ena, re tlameha ho arabela nnete e re tobileng hore, fela jwaloka mafatsheng a mang, boholo ba botlokotsebe bo nyarosang bo etsahala haholo dibakeng le hara ba kobo di mahetleng, mme bo hloka ho kena dipakeng ho matla bo lebisitsweng thibelong ya botlokotsebe ho tswa ho baahi.
Jwaloka ha re se re boletse, ditsela tsena le tse ding di tlaatleha ha fela re ka aha selekane se matla ka hara setjhaba sa rona le mahareng a setjhaba le mapolesa, ho thatafaletsa ditlokotsebe bophelo hang le hahaholo.
Ntlheng ena, re haulwa ke qeto e bontshitsweng ke baeteledipele ba tsa kgwebo le sedumedi ho matlafatsa dilekane tse kang tsena ka hara batho, le ho nehelana ka nako le disebediswa tsa bona ho matlafatsa twantsho ya botlokotsebe. Mmuso o tla etsa karolo ya ona ho netefatsa hore dilekane tsena di sebetsa ka nnete, le hore re bohle mmoho ho ntsha boikarabelo ba ho sirletsa baahi.
Ke tlameha ho bolela ntlheng ena hore Lefapha la Polokeho e Tshireletso le Ditshebeletso tsa Mapolesa ba shebane le tshisinyo ya ho ntlafatsa phathahatso ya bohlokwa ba diforamo tsa Mapolesa a Setjhaba.
Ho ntlafatsa ho ya pele ditshebeletso tsa ona bathong, mmuso o tlameha ho phahamisa bokgoni ba ona le tlhophiso.
Phethela, nakong ya dikgwedi tse 18, molao maloka le tshebetso e le nngwe ya setjhaba mmoho le ditlwaelo le dihlopha tse tsamaelang, molawana wa tefo o amang ditheo tsa kalafi le tsa ho bea meja fatshe.
Ho ntlafatsa puso hape o bolela ho ba le motheo wa dintlha maloka le ditheo tsa metsana ka hara metse. Ntlheng ena; diphuphutso tse kgolo di tla etswa ka 2007. Nakong ya matsatsi a mabedi a fetileng, basebetsi ba 6 000 ho tswa Statistc South Africa ba ile ba tswa ka bophara ba ba naha ho bokeletsa tlhahisoleseding ho tswa malapeng a 280 000 a kgethilweng ho nka karolo phuputsong tsa setjhaba, e tla neha mmuso setshwantsho sa maemo a baahi ka nepahalo ho tswa dikarolong tsohle tsa naha.
Ka Mphalan batho ba bang ba 30 000 malapeng a 8 000 ba tla kgethwa ho nka karolo paneleng ya pele ya Afrika Borwa e bitswan National Income Dynamic Study. Batho bana ba 30 000 ba tla lebelwa ka nako e itseng, ho eketsa kutwisiso ya rona ya ditho tse kang ho falla, mmaraka wa tsa mesebetsi, motsamao wa batho ho latela meloko le ho thewa le ho qhaqheha ha malapa. Ke rata ho nka monyetla ona ho bitsa bohle ba kgethilweng ho fana ka tshebedisano dintlheng tsena tsa bohlokwa.
Hara diphihleleo tse kgolo tsa batho ba Afrika dilemong tse pedi tse fetileng e bile ho kgutlisetsa kgotso Seterekeng sa Great Lakes. Re motlotlo jwaloka maAfrika Borwa, ka seabo seo setjhaba sa rona se bileng le sona ho thuseng ho tlisa sena - ho tloha ka bahlankana le baretsana ba Lebotho la Tshireletso ya Setjhaba ho ya ho basebeletsi ba diinstitjhushene tsa setjhaba le tsa poraefete ba faneng ka nako ya bona ho etsa hore toro ya Afrika e phethahatswa lehaeng la Patrice Lumumba.
Re tla tswelapele ho sebetsa le dikgaetsedi ho tswa DRC, mmohole Burundi, Comoros, Sudan haolo ho netefatsa hore bomo ba kgotso le botsitso tse teng ho fihlela jwale di fetisetswa ntle l kgefutso ho ba diketso tsa kaholetjha le ntlafatso ya setjhaba.
Le ha ho le jwalo, ha re le tokelo ya ho keteka tlholo eo Afrika e e fihleletseng tjhesehong ya hae ya ho fihlella kgotso le ntshetsopele, re ke ke ra kgella fatshe diphephetso tse re tobileng tsa ho seetsana le dikarolo ts setseng tsa phapang, haholo tsamaiso ya tsa kgotso ho la Sudan, ho keyelletswa le boemo ba Darfur, Cote d'Ivoire le Somalia.
Mmuso wa rona o tla arabela ka tshwanelo mme ha bokgoni ba rona bo re dumella, pitsong ya Kopano ya Afrika bakeng sa thuso ho batho le mmuso wa Somalia. Ho hlokolosi ntlheng ena ke boikitlaetso bo etsahalang ho netefatsa hore balwantshan ka hara Somalia ba a hokahana ho fumana tharollo e kgonahalang, e theilweng hodimo tlhoko ya ho fihlella peolano ya setjhaba.
Selemong sena African peer Review Forum e tla phethela bolekodi ba naha ya rona. Ke rata ho nka monyetla ona ho leboha balekgotla, matona a mmuso le mafapha, mekgatlo ya basebeletsi ba mmuso le setjhaba ka hohle-hohle bakeng saho kenya letsoho tlhakisong e neng e phephetsa jwaloka ha e ne e le qohollehile bakeng sa temokerasi ya rona e nyenyane. Re tla nka mehato e lokelang ho kenya tshebetsong mananeo a hlkoehang a ketso a tla hlaha ka lebaka la tsamaiso ya tekolo ena ya sethaka.
Ka ho tshwna, re tla tswela pele ho sebetsa le kontinene kaofela le balekane ba ntshetsopele ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha manane a NEPAD.
Ka pelenyana ho kgwedi, Afrika Borwa e qadile bohahlaodi ba mosebetsi e le setho seo e seng sa dinako tsohle sa United Nations SecuritynCouncil. Re rata ho ikana , boemng ba batho ba Afrika Borwa hore re tla , mokgatlong on o hlomphehileng ha kana, etsa sohle se lokelang ho kenya letsoho ho kgotso le tshireletso ya lefatshe.
Ntlheng ena, re tla tswelapele hape ho sebedisana le baetapele ba bato ba Palestina, Israel, Iraq le mafatshe a mang a middle East le Persian Gulf.
Re tla tswelapele hape ho matlafatsa dikamano tsa rona le mafatshe a mang kontinenteng mona, balekana ba rona ba India, Brazil le Thge People's Republic of China, mafatshe a manga Borwa mmoho le Japan, Europe, le North Amerika.
E nngwe ya dipotso tse hlokolosi eo re tla e latella ntlheng ena ke dipuisano tse potlakileng tsa Doha Development Roud ya WTO. Re kgodisehile hore ditharollo tsa diqaka tsa ha jwale di ka fihlellwa, le hore ho molemong wa nako e telele wa dinaha tse tswetseng pele le tse tswelang pele ka ho tshwana hore dipisano tsena di phethelwe.
Ho tloha ka thomo e atlehileng ya 2004, re re tswetsepele ho fetolela Afrika Borwa botleng. Ha re a tlameha le ho tswhwanela ho kgella fatshe mathata a mangata ao re sa ntseng re tlakopana le ona.
Empa molaetsa oo boiphihlelo ba rona bo kopaneng bo o fetisetsang ho rona bohle ke hore, re sebetsa mmoho, re ka kgona hape re tla atleha ho fihlella maikemisetso a tshwanang ao re ipehetseng ona jwaloka setjhaba - ho aha bophelo bo beter bakeng sa bohle, naheng e sa hloleng e fupere le ho emela tsohle tse me le tse nyonyehang bothong.
Re tlameha kajeno, haholo ka boitshepo, ho bua mmoho ka tokoloho.
Ha jwale ha re so fihle. Empa ha ho e mong, kantle ho rona, ya tlanetefatsa hore toro ena e a fihlellwa. Mme he, ha re phahamiseng ke hona matsoho a diaparo tsa rona re sebetseng, re utlwisisa ka botlalo hore mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo re e labalabelang ke boikarabelong boo re bo arilelanang.
<fn>StateoftheNation.2008.2009-04. St.txt</fn>
Ntumelleng kgetlong lena le etelletseng pele la ho qetela la Tulo e Kopanetsweng ya Palamente ya boraro bakeng sa ditherisano tsa selemo tse mabapi le boemo ba naha ya habo rona, ho lakaletsa Ditho tsohle tse hlomphehang tsa Palamente Selemo se setjha sa thabo le katleho.
Ke na le tshepo ya hore 2008 e tla ba se seng sa dilemo tsa bohlokwa haholo demokerasing ya rona, jwalo ka ha re tla sebetsa mmoho ho fihlela ditabatabelo tsa bohlokwa tsa batho ba habo rona hore ho tle ho fihlelwe bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle. Ke bolela hona hobane ha se hangata ho etswang boipiletso setjhabeng hore se sebedise mesifa ya mmele ya sona kaofela hore se fihlele toro e itseng. Mme ena ke taelo eo re e rwesitsweng ke nalane ya habo rona kajeno.
Mme Sepikara, ke bua mona kajeno, ka pela mme wa ka, Epainette Mbeki, ya tlileng ho tla re neha molaetsa wa bohlokwa ho tswa bathong ba mahaeng ba Transkei, bao a phetseng le bona nako e telele. Yena o re batho bana ba rata ho tseba, ho tswa ho rona bao ba ipitsang baetapele ba bona, hore jwalo ka ha re ba bolella bona mmoho le ba bang ba tshwanang le bona ba leng nqeng tse ding tsa naha ya habo rona, hore na re ntse re ikemiseditse ho phethahatsa boitlamo boo re ileng ra bo etsa ba hore bokamoso bo tla ba botle ho feta kajeno. Matsatsing a robedi a tlang, ka la 16 Hlakola, o tla be a etsa dilemo tse 92 boholo. Seo a se lebelletseng jwalo ka mpho ya hae ya letsatsi la tswalo ke nnete. Ke a mo leboha ka ho ikgathatsa ho tla mona ho tla ba le rona kajeno, mme ke tshepa hore re ke ke ra mo nyahamisa.
Ke rata hape ho nka sebaka sena bakeng sa ho tlotla Moporesidente Nelson Mandela, e mong wa bahale ba ileng ba re etella pele demokerasing ya rona, ya tla beng a keteka letsatsi la hae la tswalo la dilemo tse 90 ka la 18 Phupu selemong sena.
Hape re amohela hara rona Mong. Arthur Margeman, eo mmoho le Nelson Mandela a neng a le karolo ya letsholo la ho ngala dibese tsa Alexandra dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng. Hape re lehlohonolo hore hara rona mona be re na le Mof. Jann Turner, eo e leng moradi wa Rick Turner ya bolailweng ke bahlanka ba mmuso wa aparteite dilemong tse 30 tse fetileng.
Hape re thabela le hore hara rona re na le Mong. Dinilesizwe Sobukwe, mora wa Robert Sobukwe ya neng a rata naha ya habo bona e bile e le moetapele, mme yena o hlokahetse dilemong tse 30 tse fetileng ka mora ho kwallwa dilemo tse ngata tjhankaneng, a thibetswe ka molao le ka mora ho feta tlasa mekgwa e mengata e fapaneng ya kgatello. Hape re amohela hara rona le Ditho tse Hlomphehang le baeti ba rona, bathei ba bangata ba United Democratic Front, dilemong tse 25 tse fetileng.
Kaofela ha bona baeti bana ba hlomphehang, ba emetseng mehopolo e fetileng le tshepo, ba re hopotsa hore re mo lebelong la ho neelana, la ho tswalwa ka botjha ka mokgwa o tswelang pele e le hore toro ya hore bohle re fihlele bophelo bo botle e be ya Maafrika Borwa ohle. Nnete ke hore ba emetse moya wa batho ba heso o hanang ho hatellwa, le teng ba re phephetsa hore bohle re sebetse ka tsela e ke keng ya ba eka kapa ya nyahamisa ditebello tsa batho.
E se neng re tla be re qeta selemo sa ditjhelete sa palamente ya ha jwale ya demokerasi ya boraro, mme haufinyane ka mora moo re tla tshwara Dikgetho tse akaretsang tsa bone. Ka hoo mmuso o lekotse botjha sebaka seo re se tsamaileng mabapi le ho kenya tshebetsong thomo ya rona eo re e fuweng ke batho ka 2004.
Ke motlotlo ho bolela hore ka nnete ho hongata hoo re ho entseng bakeng sa ho kenya tshebetsong boitlamo boo re bo entseng bathong ka 2004. Le he ho le jwalo, mme e seng ka tsela e neng e sa lebellwa, ho hlakile hore re sa na le mosebetsi o salletseng morao o lokelwang ho etswa mabapi le hona.
Ka ha re lebile bofelong ba nako ya thomo ya rona, Mmuso o entse qeto ya hore o tshwanetse ho hlwaya sehlopha sa Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng oo o lokelang ho tsepamisa maikutlo ho tsona ka mokgwa o ikgethang, o sebedisa hona jwalo ka mokgwa o tla thusa ho potlakisa kgatelopele hore ho fihlelwe maikemisetso ao batho ba re rommeng ho a phethahatsa.
Se kgahlisang, ke hore Puo e mabapi le Maemo a Naha e entse hore ke kgone ho tlalehela Palamente le setjhaba ka Dintho tsa rona tse 24 tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng tseo, Ditho tse Hlomphehang di ka di fumanang websaeteng ya Mmuso hara beke ena.
Ho hlwauwa ha Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng ho bolela hore ditshiya tsohle tse tharo tsa mmuso, e leng mmuso wa naha, wa diprovense le ya selehae, maemong ka bobedi a phethahatso le tsamaiso, mona a etsa boitlamo bo matla ba hore a tla sebedisa nako e kgutshwane e re nang le yona ho matlafatsa kgatelopele ya rona hore re tle re fihlele sepheo sa bohlokwa sa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle.
Ka hoo mokgwa ohle wa puso o etsa boitlamo ba hore nakong ena e setseng, o tla etsa ka hohle ho matleng a ona ho phethahatsa boitlamo bona - ba ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang! Re bua ka Ho etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang re sa kenye diphetoho dife kapa dife manong a rona a tlwaelehileng, empa mabapi le mokgwa o potlakileng, o sebetsang hantle haholo wa ho kenya maano le mananeo ana tshebetsong e le hore maphelo a batho ba heso a fetoha ho ba a ntlafetseng, mme hona ho etsahale ka potlako ntlele tshenyo ya nako.
Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore hona ho a etsahala; re nkile mehato e hlokehang ho tiisetsa hore Bajete ya selemo le Selemo eo Letona la Ditjhelete le tla e teka ha morao kgweding ena e etsa dikabo tse hlokehang bakeng sa ho re neha mokgwa wa ho kenya tshebetsong Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng.
ho ntshetsa pele mosebetsi wa rona mabapi le mokgwa wa dikamano tsa matjhaba, ho tsepamisitswe maikutlo haholo ditabeng tsa Afrika le dikamanong tsa ka Borwa bo kenelletseng.
Nakong ena, boemo boo re tobaneng le bona jwalo ka setjhaba le naha, le mesebetsi eo re ipehetseng yona, e re laela hore re be le tshusumetso le ho hlophisa batho ba habo rona hore ba sebetse mmoho ba le ngatana, ba etse dintho tsohle tse lokelwang ho etsuwa, ba na le kutlwisiso ya hore bokamoso ba rona bo matsohong a rona!
Ha re ntse re sebetsa mmoho kae kapa kae naheng ya habo rona, re lokela ho utlwisisa hape hore re lokela - Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang!
Jwalo ka ha ke ne ke ngolwa Puo ena, e mong hara rona o itse ho foka meya e matla ka hara naha e leng e etsang hore motho a se ke a ba le bonnete ba hore naho e tla be e eme hokae ka moso.
O ile a sisinya hore, ha ke batla ho hlahisa seo a se bonang e le sa bohlokwa se tobaneng le rona hoseng hona, ke lokela ho hopola mantswe a tsebahalang haholo ao Charles Dickens a ileng a bula padi ya hae e bitswang A Tale of Two Cities ka ona.
E ne e le dinako tse monate hape e ne e le nako tse mpe, e ne e le nako ya bohlale hape e le nako ya bothoto bo boholo, e ne e le nako ya tshepo hape e le nako ya ho hloka tumelo, e ne e le sehla sa Kganya hape e ne e le sehla sa Lefifi, e ne e selemo sa tshepo, hape le mariha a ho lahlehelwa ke tshepo, re ne re na le tsohle, hape re ne re hlolwa ke tsohle, bohle re ne re ya Lehodimong, bohle re ne re ya ka nnqeng e nngwe ka bokgutshwane, nako e ne e tshwana le hona jwale, empa bao ba neng ba le baemedi ba nako ena ba ne ba re e amohelwe ka moo e leng ka teng, ha re bapisa feela
Le ka mpotsa hore na ke dumellana le polelo ena, ya hore na le nna ke dumela hore re kene nakong ya moferefere, moo bohle re iphumanang re lahlehelwa ke tsela, re hata ka ho tshaba, re hloleha tiya mangweleng, re tshaba bokamoso!
Karabo ya ka ke Tjhe! Jwalo ka bohle ba leng mmusong wa rona ke a kgolwa hore metheo eo re e hlommeng dilemong tse 14 tse fetileng e ntse e le teng. E ntse e tswela pele ho re neha motheo o matla e etsang hore re kgone ho tswela pele ka ho phehella ho fihlela maikemisetso a rona a bophelo bo ntlafetseng bakeng sa batho ba habo rona bohle. Ka hoo bohle re tshwanetse ho dumela hore re tseleng e tshwanetseng jwalo ka ha re tswela pele ho etsa hore setjhaba sa habo rona e be sa bahlodi.
Le ha ho le jwalo, jwalo ka Ditho tsohle tse hlomphehang, ke a tseba hore ba bangata hara naha ya habo rona ba tshwenyehile haholo kahore na naha ya rona e tla e le hokae ka moso.
Ba tshwenngwa ke maemo a tshohanyetso ao naha e iphumanang ka hara ona ka baka la ho kgaoha ha phepelo ya motlakase ho sa lebellwa.
Ba tshwenngwa ke diketsahalo tse itseng ka hara ikonomi ya rona, haholoholo keketseho e ya sekgahla sa tswala ka mokgwa o tshwanang, ditheko tsa dijo le mafura a makoloi, tse bakang bofuma le ho feta haholoholo ho mafutsana. Ba bang hara bona ba tshwenngwa ke sephetho se ka bang teng ikonoming ya habo rona sa ka tshoso ya ho theoha ha ikonomi mane United States.
Ba ipotsisa hore a na re tla kgona ho sireletsa demokerasi ya rona le Molao wa rona wa Motheo tseo re di lwanetseng ka ho etsa dihlabelo tse kgolo. Ho tshwenyeha hona ho bakwa ke diketsahalo tsa ho qoswa ha Mokhomishenara wa naha wa Mapolesa, ho emiswa mosebetsing ha Molaodi wa Naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba, tshabo ya tshoso ya ho ikemela ha tshebetso tsa toka le tshebediso ya molao, le menyenyetsi e mabapi le ho sebdiswa ka tsela e sa lokang ha matla bakeng sa merero ya dipolotiki.
Le ha ba dumela hore mokgatlo o busang o na le tokelo ya ho laola ditaba tsa ona, ba tshwenngwa ke hore o tshwanetse ho tswela pele ho ba le seabo sa ona jwalo o mong wa bathehi ba baholo ba Afrika Borwa ya demokerasi, e se nang kgethollo ya borabe, e se nang kgethollo ya bong hape ya katleho.
Ho hlakile hore re tla be re hloka boikarabelo ha re ka qhella ka thoko hona le matshwenyeho a mang kapa ra a qhala feela jwalo ka bao ba hlokang tshepo. Phephetso ya sebele ke ya ho arabela dinthong tsena ka tsela e tla fetisetsa molaetsa ho bohle naheng ya habo rona le ho dimiliyone tsa batho ba Afrika le nqeng tse ding lefatsheng bao ba shebileng naha ya rona ka kgahleho, hore re dule re le tiile maikemisetsong a rona a ho haha mofuta wa Afrika Borwa e fanang ka tshepo e seng feela ho batho ba habo rona, empa hape le ho ba bang ba bangata ba dinaheng tse ka ntle.
Ka hoo e re ke bue ka ho ikotla sefuba ke re nako ena ya bohlokwa setshabeng sa heso e batla hore re kopane le ho feta pele mme re sebedise mosifa o mong le o mong wa mmele wa rona ka kopanelo hore re tle re sebetsane le diphephetso tse re tobileng mmoho re tle re kgone ho fihlela toro ya rona eo re batlang ho e fihlela ya ho aha Afrika Borwa e bonahalang ka Molao wa yona wa Motheo.
Maemo a tshohanyetso a bakwang ke ho kgaoha ha phepelo ya motlakase a re neha phephetso le monyetla re le setjhaba kaofela hore re arabele boipiletsong bo entsweng ho rona bohle ba hore re kopane ho tseo re di etsang hore re tle re boloke naha ya rona e ntse e le motjheng. Hona ho lokela ho re bontsha bohle hore ka nnete re nakong ya diphephetso, empa ke diphephetso tseo re ka sebetsanang le tsona ka katleho. Mme hobane e le nako ya diphephetso, tsona di tla re neha le menyetla!
Mabapi le hona, ke rata ho hlahisa diteboho tsa rona le tumellano e felletseng le ditshwaelo tse entsweng ke Mohlanka wa Phethahatso wa Anglo American, Cynthia Carroll, ha a ne a fana ka puo ho Mining Indaba qalong ya beke ena, ka Labobedi wa la 5 Hlakola.
Jwalo ka ha Ditho tse hlomphehang di tseba, ke yena eo: Ha ke bone mathata a phepelo ya motlakase e le koduwa. Mme Afrika Borwa ha e nngwe feela moo: ho na le mathata le mathata a phepelo ya motlakase mabapi le diprojeke tsa rona tsa katoloso le mane Chile le Brazil.
"Ke nnete, mathata ona ke a maholo: ho a rarolla ho tla hloka bohlale, haholoholo mabapi le ho sebedisa eneji le ho baballa eneji, ekasitana le ho hlahisa phepelo tse ding tsa motlakase. Empa ha bohle re ka ba le tshebedisano e matla ho shebana le boemo bona, bohle re tla atleha - ra ntswa ntweng re se na maqeba Ena ha se nako ya ho supana ka menwana, empa ke ya ho sebetsa mmoho ho fumana ditharollo".
Le ha ho le jwalo, ho a hlokeha hore re nke monyetla ona hore re kope tshwarelo re le Mmuso le Eskom bakeng sa maemo a tshohanyetso a aparetseng naha ya habo rona moo re iphumana re lokela ho fokotsa tshebediso ya motlakase.
Mme ke rata ho leboha hape le baahi bohle ba naha ka ho kgona ho fetoha le maemo mme ba tobane le maemo a ha jwale a boima.
Dibekeng tse pedi tse fetileng, Matona a Diminerale le Eneji le Dikgwebo tsa Mmuso are hlaloseditse le mofuta wa mathata ao re kopaneng le ona le mehato eo rona re ka e nkang ho busetsa boemo setlwaeding. Bekeng e fetileng Ditho tse hlomphehang di bile le monyetla wa ho nahana ka ditaba tsena.
Nnete ke hore keketseho ya ho batleha ha motlakase e feta palo ya motlakase oo re o ekeditseng dilemong tse pedi tse fetileng. Phepelo ya motlakase e patisaneng e etsa hore o be kotsing ha ho ka ba le tseo di o sitisang hanyenyane. Boemong bona, re tshwanetse ho fokotsa ho kgaoha ha motlakase ka tsela e sa lebellwang mme tsela e nngwe feela ya ho etsa hona, yona ke ya ho fokotsa tshebediso ya rona hore re dule re na le motlakase o bonahalang.
Jwalo ka mmuso mosebetsi wa rona ha jwale ke ho etella pele le ho kopanya naha letsholong la tshebediso e ntle ya eneji e tla rarolla phephetso ena. Hara tse ding, re lokela ho sebedisa bothata ba ha jwale ho etsa bonnete ba hore malapa a rona mmoho le ikonomi di kgona ho boloka eneji haholo.
Ho na le diketsahalo tse bonahalang tseo motho ka mong, malapa le kgwebo ba ka di etsang. Tsona di phatlalatswa ke Lefapha la Diminerale le Eneji mme re tla amohela ditshisinyo dife kapa dife tse ding tseo lona, baahi ba naha ya habo rona, le ka re nehang tsona mme re abelane ka tsona.
Mmuso o tla qala ho kenya tshebetsong letsholo la ho netefatsa hore ho sebediswa mabone baballang motlakase, ho futhumatswa metsi ka matla a letsatsi le ho laola motlakase o sebediswang ke digisara ka matlong, ho kenyelletswa le ho beha maemo a amohelehileng bakeng sa matlo ohle a matjha a sa tswa hahuwa. Re ipiletsa ho malapa a kgonang ho etsa nka mehato eo a ka e kgonang ka potlako hore ho baballwe motlakase.
Ho fanwe ka taelo ya hore meaho ya mmuso kaofela e fokotse tshebediso ya yona ya motlakase mme ke kopa hore le be le bolokolohi ba ho hlahisa mabitso a bao ba sa etseng jwalo.
Dintlha ka botlalo tsa mehato e meng ya boithaopo le e tlamang Lenaneong la Paballo ya Motlakase di se di hlalositswe ke Matona mme tsona di tla hlakiswa ka therisano le bathahaselli ba fapaneng e be di a phatlalatswa.
Ka lehlakoreng la phepelo ya motlakase, Eskom e sebetsa ka matla ho netefatsa hore ho ba le diprojeke tse ding tsa ho thusa ho fehla motlakase ka pejana. Re nka mehato ya ho ntlafatsa bokgoni ba Eskom. Re na le dihlopha tsa mosebetsi tsa tshohanyetso tse sebetsanang phephetso ya boleng ba mashala le phepelo ho tswa indastering ya merafo ya mashala mme re ntse re sebeletsa ho potlakisa kananelo ya kaho ya diprojeke tsa ho fehla motlakase tsa kgase. Mehato ena yohle, e nkuweng mmoho le ya paballo ya motlakase, e tla ntlafatsa phepelo e tshepahalang mme e eketse le palo ya o tla bolokwa.
Mosebetsi wa Eskom wa ho aha diteishene tsa ho fehla motlakase, mekgwa ya ho tsamaisa motlakase le bokgoni ba ho o aba, o tla tswela pele, mme moo ho kgonehang, diprojeke di tla potlakiswa. Hape, ke tla rata ho leboha mokga wa poraefete ka ho ikemisetsa ho thusa ka moo o ka kgonang. Kopanong e bileng teng le Modulasetulo wa General Electric bekeng e fetileng, modulasetulo o itse khampani e ka thusa ho hlahisa dikarolwana tse itseng ha ho ahwa diteishene tsa motlakase. Mona Afrika Borwa, dikhampani tse kgolo tse jwalo ka Sasol, Anglo le BHP Billiton di ntse di tshwere ditherisano tse bonahalang le Lefapha la Diminerale le Eneji le la Dikgwebo tsa Mmuso hore ho fumanwe ditsela tse sebetsang mabapi le tlhokeho ya phepelo ya motlakase. Tshebetsong ena ha re a tshwanela ho supana ka menwana.
Ke rata ho leboha indasteri ya merafo ka tsela eo ba re thusitseng ka yona rona mmoho le ikonomi ka ho rarolla bothata ba sebele bo neng bo re hlahetse ka la 24 Pherekgong. Bohle re tla sebeletsa ho fokotsa ditlamorao tse seng ntle tseo diketsahalo tsena di bileng le tsona indastering.
Ho sebetsa jwalo ka sehlopha le ho rerisana ke karolo e kgolo ya karabelo boemong ba tshohanyetso. Dihlopha tsa tshebetso ha jwale di ntse di sebetsa dikarolong tse ngata. Bekeng e tlang Ditonakgolo tsa diprovense di tla kopana le Bomajoro hore ho lekwe ho phethahatswa mehato ya ho baballa motlakase ho Bomasepala bohle naheng ka bophara. Bona ba tla tshehetsa dihlopha tsa botekgeniki ho tswa EDI Holdings, Eskom le Energy Efficiency Agency. Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae le tla ba le boikarabelo ba ho hokahanya dikopano tsena mme ba tshehetswa ke Mafapha a rweleng boikarabelo a Diminerale le Eneji le la Dikgwebo tsa Mmuso.
Ke tlilo bitsa kopano ya Dihlopha tsa Mosebetsi tsa Moporesidente mme ke tla re ho se neng ke tla tsebisa "Sehlopha sa Bomampodi ba Eneji" se tla boptjwa ka batho ba Afrika Borwa ba tsebahalang haholo ba tla thusa mmuso ka letsholo la ho baballa motlakase le ho tsebisa babeeletsi le merabe ka boemo ba sebele le ka moo ba ka thusang ho rarolla diphephetso tsa rona tsa ha jwale.
Letona la Ditjhelete le tla fana ka lesedi le eketsehileng puong ya lona ya Bajete mabapi le tshehetso eo mmuso o tla fana ka yona letsholong la tshebediso ya motlakase hantle le ho Eskom ha e ntse e haha diteishene tse ntjha.
Re tobane le maemo a tshohanyetso empa ona re ka a fenya ka nako e kgutshwane. Boemo bona bo hlakisa ntlha ya hore nakong ela ya motlakase o mongata o neng o sa je tjhelete e ngata e fetile. Empa hobane re beeleditse haholo diteisheneng tse ngata tsa motlakase re tla dula re etelletse pele kabong ya motlakase ka mokgwa oo batho ba ka kgonang ho o lefella.
Re ikonomi e nang le mehlodi ya thuso ya diminerale. Ka hoo re lokela ho tswela pele ho tshehetsa indasteri ya merafo. Ho hlakile hore ha re batla ho tswela pele tseleng ya rona ya kgolo jwalo ka naha ya bahlahisi, re lokela hape le ho tswela pele re tshehetse indasteri ya dihlahiswa. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore dikgwebo tsohle di baballe motlakase. Nnete ke hore ho boloka eneji ho tla re neha menyetla e meng ikonoming.
Ka hoo ha re sebediseng maemo ana a tshohanyetso ho lokisetsa motheo wa bokamoso boo re bo hlokang ba ho baballa eneji. Ha re etseng bonnete ba hore re sebetsa mmoho ho sebetsana le mathata a re aparetseng, re susumetswa ke mokgwatshebetso wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang!
Ona ke mokgwa oo re lokelang ho o bontsha ha re ntse re lokisetsa dipapadi tsa FIFA Confederation Cup ka 2009 mmoho le dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA ka 2010, tse tla tshwarelwa mona naheng ya habo rona matsatsing a 854 ho tloha kajeno. Ke bua ka taba ena ya bohlokwa mona hobane diphephetso tsa ha jwale tseo re tobaneng le tsona di entse hore ba bang kaekae lefatsheng ba botse hore na re tla kgona ho tshwara dithonamente tsena ka katleho na.
Nnete ke hore ha ke na pelaelo ya hore re tla phethahatsa seo re se tshepisitseng FIFA le dibapadi tsa bolo ya maoto mmoho le b ratang bolo ya maoto ka ho bopa maemo a amohelehileng a ho tshwara thonamente e ntle ka ho fetisisa ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto wa FIFA.
Moya oo re o utlwang, ho tswa bathong ba fapafapaneng ba habo rona ba Afrika Borwa le ka ntle, o bontshwang ka kgatelopele ya sebele ya letsatsi le letsatsi eo re e etsang mabapi le ditokisetso tsohle, ke wa - Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang: ho sebetsa mmoho bakeng sa 2010! Mme re lokela ho etsa bonnete ba hore re ntshetsa pele mokgwa ona.
Re tseba ka botlalo hore ntlha ya bohlokwa ya ho itokisa ha rona e lokela ho ba ya ho bopa sehlopha se matla sa Afrika Borwa se tla etsa hore bohle mmoho le bao ba shebaneng le tsa papadi ya bolo ya maoto re be motlotlo. Ke na le tshepo ya hore South African Football Association, bakwetlisi ba rona ba etelletsweng pele ke Carlos Alberto Parreira, le dibapadi ka botsona di a tseba ka boikarabelo bo boholo boo di bo jarileng bakeng sa ho lokisa sehlopha sa naha seo rona mmoho le Afrika ka bophara re tla ba motlotlo ka sona.
Ke sa batla ho boela ke lebohisa di-Springbok ka ho ba ka pele ha ba ne ba fenya Mohope wa efatshe wa Rakebi selemong se fetileng. Hona ho lokela ho susumetsa le Bafana Bafana, mme hape ho susumetse le ba-atelete ba rona ba tla beng ba hlodisana Dipapading tsa Olimpiki mane Beijing ha morao selemong sena.
E re jwale ke boele Mananeong a ka Hodimodimo ao ke buileng ka ona.
Hodima ho potlakisa kgolo ya ikonomi le ntshetsopele re tla kenya tshebetsong Moralo wa Leano Mehato e tla Nkuwa la Indasteri. Mmuso o tla tswela pele ka lenaneo la ho hodisa indasteri le ho tswela pele ka ho thea menyetla bakeng sa kgolo le ho thea mesebetsi. Mabapi le hona, ho se ho entswe ditekanyetso tsa tjhelete e lekanang le R2,3 biliyone bakeng sa mesebetsi ya leano la indasteri mme R5 biliyone e nngwe dilemong tse tharo e tla tshehetsa leano la indasteri.
Ka ho sebetsa mmoho le kgwebo le basebetsi, hape re tla hlahisa ka potlako ka ho ya ka moo ho kgonahalang meralo ya mehato e tla nkuwa ya bohlokwa mekgeng moo meralo e jwalo e seng teng, jwalo ka merafong le ho etsa dintho ka diminerale, disebediswa tsa ka tlung, barekisi le ka ho tsepamisa maikutlo ntlafatsong ya tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane, kahong, di-indasteri tsa boqapi, temo le ho fetola dihlahiswa tsa temo.
Ke sa rata ho boela ke tiisetsa taba ya hore re tla dula re ntse re tshehetsa mokga wa makoloi, mme ka hoo, re tla etsa bonnete ba hore tshehetso e fuwang mokga ona ka Lenaneo la Indasteri ya Tlhahiso ya Makoloi e tswela pele.
Boemong bo hodimo ba ikonomi, re tla tswela pele ho boloka le ho bona hore tshehetso ya ikonomi e ya hola, le ho fokotsa ho se sireletseha ho bakwang ke dintho tsa ka ntle ho naha.
Bakeng sa ho potlakisa ho aha dibopeho tsa motheo re tla phethahatsa tlhahiso ya moralo o nang le nyalano wa dibopeho tsa motheo, ka ho hatella tabeng ya paballo ya eneji. Hona ho bolela ho hokahanya mananeo a Dikgwebo tsa Mmuso le ho beha maano a meralo ya dibopeho tsa motheo, ho kenyelletswa le ho rwala dithoto, dipeipi tsa ho tsamaisa eneji, thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano, mebila, metsi le motlakase, ho shebilwe nako le moo di leng teng.
Se akaretsang mererong ena, e bile e le sa bohlokwa haholo ke thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano eo e leng mothusi hape e le mokga ka boyona. Ka mokgwa o tshwanang, selemong sena re tla phethahatsa ho fana ka laesense le ho etsa hore Infraco e sebetse. Sentech e se e ntse e fuwe tjhelete hore e kgone ho fana ka ditshebeletso tsa inthanete. Ka ho sebedisana le mebuso e meng e kontinenteng le mokga wa poraefete, re tla phethahatsa tshebetso ya ho thakgola mosebetsi wa ho tsamaisa mehala ka tlasa lewatle.
Hape, re batla ho fana ka kgaso eo e seng ya mohala ho dipersente tse 50 tsa baahi mafelong a selemo sena. Mabapi le hona, re tla be re se re qala ka leano la rona la ho hlahisa Set Top Boxes, le tla phethahatswa mahareng a selemo sena.
Ka ha re lemohile hore tshebetso ya mmuso e batla e tsamaya butle mabapi le dikopo tsa dipeeletso mererong e tshwanang le ho fumana mobu, dibopeho tsa motheo le ditekolo tsa tikoloho, mme tse di ka sitisa kapa tsa kgontsha peeletso, re entse qeto ya hore ka ho ya ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, re hlome sebaka seo ho tla letsetswa ho sona hore batho bao ba batlang ho beeletsa le mmuso ba kgone ho sala morao dikopo tsa bona. Mosebetsi o se o qadile.
Karolo ya lenaneo la mmuso la Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng e tla tsepamiso ya maikutlo ditabeng tsa ntshetsopele ya bokgoni. Mosebetsi wa ho lekola botjha Leano la Naha la Ntshetsopele ya Bokgoni ba Batho o tla phethahatswa selemong sena, le diprojeke tsa sehlopha sa kopanelo tsa mmuso, basebetsi, kgwebo le di-institjhushene tsa thuto tse hlophisitsweng tlasa lenaneo la Joint Initiative on Priority Skills Acquisition (JIPSA), di tla matlafatswa.
Ke nete hore re kgothaletswa ke dikarabelo tse ntle tse tswang mokgeng wa poraefete jwalo ka ha ho bontshitswe ka boitlamo ba di-CEO tse 70 tsa dikhampani tse leng lenaneng la Johannesburg Securities Exchange hore ba tla sebetsa le mmuso mabapi le phephetso ya tlhokeho ya bokgoni.
Ka hodima mosebetsi ona, re tla re mo nakong e tlang re kenye letsoho ka pejana ntlafatsong ya dikholetjhe tsa Thuto e Tswelang Pele (FET), di-SETA, ra neha dikolo tse futsanehileng mehlodi ya thuso, le ho di lokolla ditlamong tsa ho lefisa tjhelete ya sekolo, le ho potlakisa thupelo ya mosebetsi ya bao ba sa tswa fumana mangolo a bona a thuto tsa yunivesithi.
Hodima moo, ka mora ho lokisa bofokodi ba lenaneo la Thuto ya Motheo a Batho ba Hodileng, boo re bo hlwaileng selemong se fetileng, kgweding ena re tla thakgola letsholo la ho ruta batho ba bangata ho bala le ho ngola le tla tsejwa ka Kha Ri Gude (ha re ithuteng). Lona le tla kenyelletsa ho rupellwa ha barupelli ba ka sehloohong ba tla fana ka thupelo ya motheo ya ho bala le ho ngola bathong ba baholo le batjha ba 300 000 ka selemo sa 2008.
Bohareng ba mananeo a rona a ikonomi, re tshwanetse hore ka mehla re lekole ha eba katleho ya ona e thusa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba Afrika Borwa bohle, mme a dula a le sesebediswa sa bohlokwa Ntweng ya rona e kgahlanong le Bofuma le ho potlakisa phihlelo ya maikemisetso a rona mabapi le ho fokotsa tlhokeho ya mosebetsi le ho fihlela bophelo bo botle bakeng sa bohle.
Mabapi le lenaneo la ho aha matlo, jwale re kgona ho aha matlo a 260, 000 ka selemo, mme ho fihletswe tumellano le SALGA hore e thibele thekiso ya mobu o ka sebediswang bakeng sa lenaneo la ho aha matlo.
Ha re ntse re tswela pele ka ho kenya letsoho mererong e mengata e tsepamisitseng maikutlo phedisong ya bofuma, re tla tswela pele ho sebetsana le bofokodi bo mmalwa, ho kenyelletswa le ho qetella Bili ya Taolo ya Tshebediso ya mobu, ho qetellwa ha dinyewe tsa pusetso ya mobu, lenaneo la tshehetso bakeng sa bao ba fumanang mobu, le ntshetsopele le ho kengwa tshebetsong ha lenaneo la ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng.
Ho na le tse ding tsa dintho tseo re tla di neha kelo hloko e ikgethang selemong sena, mme re etse bonnete ba hore re fihlela dibeo tseo re batlang ho di fihlela ka borona.
E nngwe ya Dintho tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng ke katoloso ya leano le nang le nyalano hape le felletseng la twantsho ya bofuma le tla shebana haholo le dikarolo tsa setjhaba tse anngweng haholo ke bothata bona. Mona ho kenyelletswa bana, basadi, batjha, batho ba phelang mahaeng le dibakeng tsa bodulo tsa mekhukhung tse ditoropong, batho ba holofetseng kapa ba nang le malwetse a sa feleng le maqheku.
Hara mehato ya bohlokwa e sisingwang ho kenyelletswa: katoloso ya lenaneo la mesebetsi ya setjhaba, ho fana ka disaposidi tsa mesebetsi bakeng sa ho thea mesebetsi ka ho otloloha bakeng sa dihlopha tse itseng, ho ntlafatsa bokgoni ba ho batla mosebetsi, ho ntlafatsa thuto le thupelo, ho ntlafatsa ditshebeletso le thepa hara merabe e futsanehileng, ho nka mehato e itseng mabapi le malapa a futsanehileng, le ho etsa bonnete ba hore ho ba le tshebetso tse tsamayang hantle haholo tsa tshehetso ya basadi le mekga e meng. Hara tse ding, re tla lekola taba ya bong hore re ntlafatse dikarolo tsohle tse amang le matlafatso ya basadi.
Ho tsamaisanang le hona ke projeke ya ho lekola thuso tse hlokehang bakeng sa ho sebetsana le bana bao ba sa sireletsehang ba dilemo tse ka hodimo ho se 14.
Empa bohle re tla dumellana ka hore setjhaba sa heso le mafutsana haholoholo, ba ke ke ba kgona ho emela maano le dipuisano le diwekeshopo - le ha tsena tsohle e le dintho tsa bohlokwa. Se kgahlisang ke hore mehato e ka nkuwang ke ya dintho tseo mmuso o seng o ntse o di etsa le ha e le hore ha di na nyalano ka botlalo. Jwale he, ka ho ya ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, mmuso selemong se tlang o ikemiseditse ho hlwaya malapa le batho ba itseng ba futsanehileng e ke ka nnete, mmoho le ho nka mehato e tla ba thusa nakong e kgutshwanyane ho fokotsa bofuma ba bona.
Bakeng sa hona, re tla hloka Phaposi ya Naha ya Ntwa Kgahlanong le Bofuma re kopanye mafapha a jwalo ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae, Lefapha la Kgwebo le Indasteri, la Temo le Ditaba tsa Mobu, la Mesebetsi ya Mmuso le la Bophelo, ekasitana le makgotla a tsamaiso a diprovense le selehae, a tla sebetsa le di-NGO le kgwebo ho hlwaya thuso e hlokehang malapeng a itseng mme a e kenye tshebetsong ka potlako.
Selemong sena re tla shebana le dintho tse ding tse itseng tse ka hodimodimo lenaneng la mesebetsi e lokelwang ho etsuwa e leng tsona tsa bohlokwa ntweng ya naha e kgahlanong le bofuma, jwalo ka ha ho phehelletswe hore ho be le kakaretso ya batho ho tsa ikonomi le kahisano.
ho eketsa tekanyo ya lenaneo la Tshebeletso ya Naha ya Batjha ho kenyelletswa le keketseho ya ho kengwa ha batho lenaneong la Ntshetsopele ya Botsebi ba Sesole la Lebotho la naha la Tshireletso ho tloha ho 4 000 ha jwale ho ya ho 10 000.
ho matlafatsa Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba, leo ka ho feta maikemisetso ao le neng le behetswe ona, le bontshitseng hore le kgona ho amohela batho ba batjha: hoa ho tla kenyelletsa keketso ya batjha lenaneong bakeng sa ho boloka dibopeho tsa motheo tsa setjhaba, ho eketsa palo ya bana ba ngodisitsweng mananeong a Ntshetsopele ya Bana Dilemong tsa Bongwana ho ya ho 600 000 ka ditsha tse ntjha tse 1 000 tse tla ba le basebeletsi ba rutang ba ka hodimo ho 3 500 ba rupelletsweng le ho hirwa, le ho eketsa palo ya bahlokomedi.
ho hlahisa mokgwa wa dihlahiswa tse tla wela ka tlasa lenaneo la ho rekwa ke mmuso ho tswa dikgwebong tse nyenyane, tsa mahareng le tse nyenyane haholo; mme ka ho sebedisa Ejensi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, ho tla behwa mokgwa o matla wa ho etsa hore batho ba leshwe pele ho feta matsatsi a 30.
Hape re tla kopanya lenaneo le tla potlakisa kaho ya dibaka tsa bodulo tsa batho, ka maiteko a matlafaditsweng, a ho potlakisa kabo ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le motlakase ho bohle, hore ka selemo sa 2014, re kgone ho ba le dibaka tse hlomphehang tsa bodulo tsa batho le hore malapa ohle a kgone ho fumana ditshebeletso tsena.
Ho potlakisa letsholo la rona la ho fihlela bophelo bo botle bakeng sa bohle ho kenyelletsa ho phethahatsa ho kenelletseng ha Moralo wa Naha wa Leano la Twantsho ya HIV le AIDS. Hape re ikemiseditse hore selemong se tlang re fokotse palo ya batho bao tlolwang ke ho nwa meriana ya TB ho tloha dipersenteng tse 10 ho ya ho tse 7, re rupelle basebeletsi ba tsa bophelo ba 3 000 ba tla sebetsana le ho laola bolwetse bona le ho netefatsa hore bakudi bohle ba TB e hanyetsanang le meriana e mengata ba fumane kalafo.
Re ikemiseditse ho phetha mosebetsi wa mokgwa wa tshireletso ya setjhaba, moo re tla una molemo ho tswa ditherisanong tse seng di qadile le bao ba sebedisanang le setjhaba.
Jwalo ka ha re sebedisana mme re itokisetsa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang re lokela hore hape re matlafatse dipuisano tsa rona tsa naha tse mabapi le ditaba tse re hlalosang jwalo ka setjhaba.
Ditaba tsena tse pedi tse lokelwang ho boelwa ke tsena.
Ya pele ke hore re tshwanetse ho ba le kano e tla etswa ke bana ba sekolo hoseng ha ba bokane pele sekolo se kena, mmoho le Tshepiso e tla etswa ke Batjha mabapi le molemo wa ho itshwara hantle le ho tshwarahana jwalo ka batho ba Afrika Borwa. Letona la Thuto le tla bolela ka botlalo ka hoo bekeng e tlang.
Taba ya bobedi e mabapi le mabitso a tikoloho le a dibaka a hlokang tshebetso e felletseng e tla kenyelletsa diprovense tsohle e le hore re tle re kgone ho ba le motheo wa diphetoho tse sisintsweng. Re tla thakgola tshebetso ena e kopaneng e se neng, mme re tataiswa ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka le Dikomiti tsa lona tsa Diprovense.
Ha re ne re bua Tulong ya Kopanelo ya Palamente selemong se fetileng, bohle re ile ra hlahisa ho tshwenyeha ha rona e seng ka ho eketseha ha botlokotsebe feela, empa le ka boemo bo ntseng bo mpefala haholo ba dipolao - e leng ntho e neng e le ho fapoha ho se tlwaelehileng haesale hoba re fihlele demokerasi ya rona.
Ka mokgwa o tshwanang, selemong se fetileng re bile le tshebedisano e neng e hlophisitswe le ba kgwebo le mekga e meng ya baahi, bakeng sa ho hlahisa mokgwa o akaretsang wa ho fetola tshebetso tsa toka ka botlalo.
Mabapi le hona, ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, Kabinete e dumellane ka sehlopha sa diphetoho se hlokehang bakeng sa ho thea mokgwa wa tshebetso tsa twantsho ya botlokotsebe o motjha, o ntlafaditsweng, o sebetsang hantle haholo hape o fetotsweng. Hara dintho tse ding, hona ho tla kenyelletsa ho hloma sebopeho se setjha sa dikgokahano le tsamaiso bakeng sa mokgwa ona boemong bohle, ho tloha mmusong wa naha ho a ho wa selehae, hona ho kopanye tshebetso tsa toka le tsa bomakgistrata, mapolesa, batjhutjhisi, ditshebeletso tsa tlhabollo ya batshwaruwa le Boto ya Thuso ya Molao, ekasitana le mekgwa e meng ya kena dipakeng, ho kenyelletswa le matlafatso ya Diforamo tsa Bopolesa ba Metse.
Jwalo ka ha Ditho tse Hlomphehang di tseba, e meng ya mesebetsi ena e se e ntse e qadilwe; empa re na le tshepo ya hore, ha yohle e ka phethwa ka tsela e nang le nyalano hape e felletseng hape e tsamaelanang, sephetho e tla ba se sebetsang hantle haholo tshebetsong ya rona ya ho lwantsha botlokotsebe. Matona a Toka, Karolo ya Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso a tla hlalosa dintlha tsa hona le mesebetsi e meng hara beke e latelang.
Hape, selemong sena re tla qetella mosebetsi o mabapi le Dibili tsa ho fetolwa ha tshebetso tsa boahlodi ka therisano le baahlodi le bomakgistrata, re qetelle le leano leo sepheo sa lona e leng ho matlafatsa taolo ya meedi le tshireletso, le ho etsa hore Tjhata ya Diphofu e sebetse, ho etswe hloko haholo taba ya bao ba phetang ditlolo tsa molao, mme re tswele pele ho kenya tshebetsong mehato e meng e tswang dikgothaletsong tsa Khomishene ya Nnete le Poelano.
Ka ho latela boikarabelo ba rona ba ho lwantsha botlokotsebe ba dihlopha, mmoho le ho ela hloko dikgothaletso tsa Khomishene ya Molao ya Khampepe mabapi le tshebetso le sebaka seo Bolaodi ba Tshebetso tse Ikgethang bo leng ho sona ekasitana le ditherisano tse tswelang pele mabapi le taba ena, ho kenyelletswa le ho ntlafatsa Mokgwa wa Twantsho ya Botlokotsebe, re tla re mafelong a Tlhakubele selemong sena, ra ikopanya le Palamente mabapi le melao le mehato e meng e hlokehang ya ho tiisa bokgoni ba rona ba ho lwantsha botlokotsebe ba dihlopha.
Se tla tswelang pele ho re tataisa jwalo ka ha re nka mohato ona e tla boitlamo bo felletseng ba mmuso ba ho lwantsha botlokotsebe bo hlophisitsweng le ntlafatso ya taolo, tsamaiso e ntle le kgokahano ya ditheo tsa phethahatso ya molao.
Seo e leng sa bohlokwa haholo, ke hore katleho ya rona twantshong ya botlokotsebe e tla itshetleha hodima ntlha ya hore bohle re sebetse mmoho jwalo ka baahi ba naha ba ikobelang molao, ba susumetswa ke metheo ya tshebetso ya molao, hlompho ya makgotla a rona a dinyewe jwalo ka ha ho phehelletswe ho fihlela ditokelo tsa botho tse lekanang, tseo Molao wa rona wa Motheo o re laelang hore re di latele maphelong a rona letsatsi le letsatsi mmoho le diphatlalatso.
Re tla tswela pele selemong sena ka maiteko a ho ntlafatsa tshebetso tsa mmuso hore di fihlele maikemisetso a tsona baahing ba naha. Ha ho kgoneha, moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang o lokela ho sebetsa ho bohle ba nang le monyetla wa ho ba basebeletsi ba mmuso.
Ho na le dintho tsa bohlokwa tse ka sehloohong hape tse bonolo empa di potlakile tseo re lokelang ho sebetsana, jwalo ka karolo ya maiteko ohle a ho ntlafatsa tlhophiso le bokgoni ba puso.
La pele, ho dumellanwe mekgeng yohle ya mmuso hore dikgeo dife kapa dife tsa bohlokwa tse hlahang mmusong di lokelwa ho tlatswa dikgweding tse tsheletseng ka mora hoba dikgeo tseo di hlahe. Lefapha la Tshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso le tla hloma mokgwa wa ho lebela bakeng s aho latela mehlala ya ho kengwa tshebetsong ha qeto ena.
La bobedi, ka Motsheanong selemo se seng le se seng (le dikgweding tse pedi tsa ho qala ha selemo sa ditjhelete maemong a mmuso wa selehae) batsamaisi bohle ba phahameng ba lokela hore be ba tlatsitse Ditumellano tsa bona tsa Mosebetsi (Performance Agreements) le bolaodi bo tshwanetseng. Ofisi ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Mmuso e tla hloma mokgwa wa ho lebela mabapi le hona.
La boraro, ka ho lemoha hore Lefapha la Ditaba tsa Ka Hara Naha le ama ntlha ya bohlokwa ya moahi e mong le e mong wa naha, selemong sena re tla matlafatsa ho kengwa tshebetsong ha leano la ho phethwa ha mesebetsi le ananetsweng ke Kabinete. Hona ho kenyelletsa ho ntlafatsa mekgwatshebetso ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (IT), ho rupellwa ha basebetsi ka mekgwa e meng e metjha, ho hlaola bao ba etsang bobodu le ho leka dikarata tse ntjha tsa Boitsebiso (ID).
Ntlafatso ya mosebetsi ditshebeletsong tsa mmuso hape ho itshetlehile hodima boleng ba boetapele bo tswang ho ba leng phethahatsong le batsamaisi ba phahameng.. Hodima moo, ho bohlokwa ho ntshetsa pele maikemisetso a basebetsi ba mmuso mesebetsing ya bona - e leng mosebetsi o leng mahetleng a boetapele, basebetsi ba mmuso ka bobona, le mokgatlo wa basebetsi.
Mabapi le hona, selemong sena, ka therisano le mekgatlo ya basebetsi ya mokga wa mmuso, re tla bitsa Seboka sa Basebetsi ba Mmuso ho tla tshohla ditaba tsena e le hore moya wa Batho Pele o kgone ho hlahella ka mokgwa o bonahalang kae le kae moo ho fanwang ka tshebeletso ya mmuso.
Ka ho sebetsa mmoho le balekane ba rona setjhabeng, re tla etsa bonnete ba hore, ho ya mafelong a selemo sena, ho amohelwa Lenaneo la bobedi la Naha la Twantsho ya Bobodu, mme le morero wa mehato e eo ho dumellanweng ka ona le ba kgwebo o kengwe tshebetsong. Boemong ba mebuso ya selehae teng, re tla thusa bomasepala ba ho qala ba 150 hore ba hlahise maano a bona a twantsho ya bobodu.
Re tla tswela pele selemong sena ho eketsa maiteko a ho matlafatsa bokgoni ba mebuso ya selehae hore bo tsamaelane le Lenane le yang ka Leano la dilemo tse 5 la Mmuso wa Selehae. Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le tebelo e hlophisitsweng hantle, SALGA e dumetse ho fana ka dipehelo tsa kotara le kotara tsa mosebetsi o etsuwang.
Bakeng sa ho tswela pele ho ntlafatsa tshebeletso e fuwang bao ba leng mekgeng e sa sireletsehang ba jwalo ka mekaubere, basadi le batjha, re tla lekola botjha dibopeho tse fuweng thomo ya ho phetha mesebetsi ena mme re hlahlobe ditlhophiso tse e ka bang ke tsona tse tshwanetseng, ho kenyelletswa le tekolo ya dibopeho tsa mmuso e theilweng haholoholo bakeng sa ho shebana le ntshetsopele le matlafatso ya batjha.
Tse ngata tsa diphephetso mosebetsing wa rona tseo re seng re di hlwaile di tswa bofokoding bo boholo ba thero ya rona. Ka hoo, jwalo ka karolo ya Dintho tsa rona tse Lokelang ho ba ka Hodimodimo Lenaneng nakong e tlang re tla phethahatsa mesebetsi e tla etsa hore re kgone ho tshehetsa bokgoni ba mmuso ba ho kenya merero ya sebele e nang le nyalanyo, e akaretsang ditshiya tsohle tsa mmuso.
Lenaneo leo re le hlalositseng le kenyelletsa boitlamo boo naha ya rona e dumellaneng ka bona le boetapele ba kontinente ka Mokgwa wa Tekolo Botjha ya Dinaha tseo ho Sebetswang mmoho le tsona tsa Afrika.
Tsepamiso ya maikutlo a rona, ntshetsopeleng ya Lenane la boAfrika selemong sena, e tla ba ho matlafatsa ditheo tsa boAfrika, ho kenyelletswa le African Union le lenaneo la ntshetsopele, NEPAD.
Hona re tla ho etsa, re susumetswa ke tabatabelo e tshwanang ya batho ba kontinente ya nyalanyo e kgolo ha ho ntse ho sebeletswa kopano kontinenteng maemong ohle. Mohato wa bohlokwa mabapi le hona ke matlafatso ya ditheo tsa lebatowa le diketsahalo tseo sepheo sa tsona e leng ho fihlela nyalanyo ya lebatowa.
Re tswela pele ho phehella ho ba le tikoloho ya kgwebo e lokolohileng ho Southern African Development Community, mme re tshepa ho sebedisa Bodulasetulo ba rona ba SADC ka 2008/2009 ho phethahatsa diketsahalo tsa lebatowa mabapi le hona.
Ke mabapi le hona, hape, re tlang ho tswela pele ka dikamano tsa rona le dinaha tsa boahisani le European Union, maelana le tshebetso e etelletsweng pele ke African Union, ho netefatsa hore ditherisano tse mabapi le Ditumellano tsa Tshebedisano Ikonoming di phethahatswa ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang, bakeng sa ho potlakisa ntshetsopele ya lebatowa la rona.
Selemong se fetileng re ile ra phethahatsa thomo ya SADC ya ho thusa baetapele ba dipolotiki ba Zimbabwe ho fumana tharollo ya ho ya ho ile ya diphephetso tsa bona tsa dipolotiki tseo ba tobaneng le tsona.. Re bile le monyetla, Sebokeng sa AU se neng se tshwaretswe meeding ya Addis Ababa, ho fana ka pehelo e felletseng ho boetapele ba SADC ka taba ena.
Ka bokgutshwane, mekga e neng e ameha dipuisanong e fihletse tumellano e felletseng ditabeng tsohle tse amanang le ditaba tsa bohlokwa tseo mekga e neng e lokela ho di rarolla. Tsona di kenyelletsa ditaba tse amanang le Molao wa Motheo, tshireletso, melao ya diphatlalatsi tsa ditaba le dikgetho, le ditaba tse ding tseo ho neng ho tse ho sebetsanwa le tsona dilemong tse ngata. Melao e tshwanetseng mabapi le hona e ananetswe ke palamente, ho kenyelletswa le diphetoho tse hlokehang tsa molao wa motheo. Le ha o le jwalo, ho setseng ke taba ya mokgwatshebetso o amanang le nako le mokgwa wa ho kenya Moralo wa Molao wa Motheo o motjha oo ho dumellanweng ka ona.
Ka mokgwa o tshwanang, re ema le Dihlooho tsa Dinaha tsa SADC le Mmuso ho lebohisa mekga e kenetseng Dipuisano mane Zimbabwe bakeng sa ho fihlela diphetho tse ka tlotlwang le ho ba kgothaletsa ho sebetsa mmoho ho rarolla ditaba tse mabapi le mokgwatshebetso o setseng. Jwalo ka ha re kopilwe ke Dihlooho tsa Dinaha tsa SADC le Mmuso re ntse re itokiseditse ho tswela pele ho thusa ditherisanong tsa Zimbabwe. Ho ntse ho le jwalo, re rata le ho lakaletsa batho ba Zimbabwe katleho dikgethong tsa bona tse hlophiseditsweng mohla la 29 Tlhakubele.
Dikamano tsa rona ka mekgwa e mengata e fapaneng le Democratic Republic of Congo di tla tswela pele, jwalo ka ha re labalabela ho kenya letsoho maitekong a batho ba naha eo a ho fihlela kgotso, le ho kenya tshebetsong lenaneo la bona la kaho botjha le ntshetsopele.
Mme mmuso wa rona o tla dula o ntse o tlanngwe ke diketsahalo se ntseng di bonahala mane Kenya, Chad, Burundi, Darfur mane Sudan, Western Sahara, CÃ´te d'Ivoire, Somalia, Comoros le Central African Republic hore e fumane kgotso le botsitso bo tswellang.
Re tshwenyehile haholo ka merusu e se nang kelello e mane Kenya le Chad, diketsahalo tse bontshang ka ho hlaka ho busetswa morao ha kgatelopele e neng e se e entswe dilemong tse mmalwa tse fetileng ka tsosoloso ya kontinente ya Afrika.
Re tla tswela pele ho phetha mesebetsi ya rona Lekgotleng la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng. Hwa bohlokwa ka hona, ke matlafatso ya tshebedisano pakeng tsa Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a kopaneng le Lekgotla la Kgotso le Tshireletso la African Union.
Ka ho kgothaletswa ke tabatabelo ya ho ntshetsa pele ntlafatso ya boleng ba batho bohle, haholoholo dinaheng tse ntseng di tswela pele, re tla tsepamisa maikutlo a rona matlafatsong ya seabo sa rona diforamong tsa India-Brazil-Afrika Borwa, Tshebedisanong e yang ka Leano ya Afrika e Ntjha-Asia, Non-Aligned Movement, Group of 77 le ditherisanong tsa ho phethahatsa tumellano ya kgwebo ya SACU-Mercusor.
Ka mokgwa o tshwanang, re tla tswela pele ho kenya letsoho phihlelong ya maikemisetso a Kyoto Protocol e mabapi le ho Fetoha ha Tlelaemete le dintlafatso tse tswelang pele mabapi le hona, mme bakeng sa ho neha ditherisano tse mabapi le WTO Doha Development Round tshusumetso e eketsehileng.
Selemong sena re keteka sehopotso sa dilemo tse leshome tsa ho thehwa ha dikamano tsa bonnqosa pakeng tsa Afrika Borwa le People's Republic of China. Dikamano tse ntseng di hlahella dikarolong tse fapaneng pakeng tsa mebuso ya rona le batho di tiisetsa Tshebedisano ya China-Afrika Borwa bakeng sa Kgolo le Ntshetsopele kamanong e yang ka leano ya ho una melemo mahlakore ka bobedi, e leng ntho e ka holang ho ba le matla a fetisisang.
Selemong se tlang, re tlilo amohela baeti Khonferenseng ya Tekolo moo ho tla hlahlojwa mekgwa ya ho kenya tshebetsong diqeto tsa Khonferense ya Lefatshe e Kgahlanong le Kgethollo ya Borabe e ileng ya tshwarelwa naheng ya habo rona ka 2001. Re na le tshepo ya hore, ka ho tseba lehloyo la bona la tshebetso ya kgethollo ya borabe mmoho le diphetho tse seng monate tseo e bang le tsona bothong, mebuso le batho ba lefatshe ba tla sebetsa mmoho le rona ho etsa bonnete ba hore Khonferense ya Tekolo botjha e fihlela maikemisetso a yona.
Maikarabelo ana a lefatshe ka bophara, ho kenyelletswa le ho hlophisetsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya maoto wa FIFA ka 2010, a tlisa tshepo e matla eo batho ba nang le yona hodima naha ya habo rona jwalo ka e mong ya nang le seabo se yang ka leano maitekong a botho. Empa ha re a tshwanela ho nka hona e le ntho e nyenyane feela.
Ke na le tshepo ya hore, tlasa boetapele ba Lekgotla la Matjhaba la Papatso, e leng International Marketing Council, Trade and Investment South Africa (TISA), Tourism South Africa le ditheo tse ding re tla sebetsa mmoho ho rerisana le lefatshe lohle ka moya wa Ho Etsa Dintho ka Mokgwa o sa Tlwaelehang, mme re be le tshebetso e tswelang pele e lebisitsweng ho bopeng setjhaba se tsotellang le maemo a amohelehileng a ho re kopanya naheng ya habo rona ho keteka botho ba Afrika ka 2010.
Ka mora ho ba ke bolele tsohle tseo ke di buileng, ke rata ho kgutla potsong e reng: na boemo ba naha ke bofe jwalo ka ha re kena selemong sa 2008!
Seo ke se tsebang mme ke se bolelang mona ka boitshepo ke hore: ho sa natswe diphephetso dife kapa dife tsa ha jwale, rona re ntse re le motjheng!
Hona ke ho bolela ka tshepo e se nang qeaqeo hobane ke na le tiisetso ya hore Maafrika Borwa a na le bokgoni mme a ikemiseditse ho fihlela diphephetso tsa nakong e fetileng - ho sebetsa ka matla - ho arabela diphephetsong tsa naha tsa letsatsi, ho kenyelletswa le tseo tse amanang le ikonomi ya rona, boemo ba dipolotiki le ba ikonomi mona Afrika le nqeng tse ding lefatsheng, le ho nka menyetla eo naha ya rona e faneng ka yona ke naha ya habo rona e tswetseng pele dilemong tse leshome le metso e mene e fetileng.
Tshebedisanong mmoho ya rona, le moo re ikemiseditseng ho tsamaisa mesebetsi ya rona ka mokgwa o sa tlwaelehang hape o tsamayang hantle haholo, re tla tswella ka tshebetso ya kaho botjha le ntshetsopele mme re e fihlise boemong bo hodimo le ho feta.
Ke ya leboha.
<fn>StateoftheNation.2009.2009-04. St.txt</fn>
Ke motlotlo ho tshetlehela Tulo ena e Kopanetsweng ya Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa puo, mathwasong a seshene ena ya ho qetela ya Palamente ya rona ya Boraro ya Demokerasi.
Ke ema ka pela batho ba Afrika Borwa ke ikokobeditse ka monyetla ona oo ke o fuweng wa ho tshwara setulo se phahameng hakana ka hara naha ka baka la ketsahalo e sa tlwaelehang e ileng ya etsahala ha mokgatlo o busang o ne o theosa eo ya neng a le Mopresidente setulong.
Sa ka feela ke boikarabelo, bakeng sa dikgwedi tse mmalwa feela, hore ke etelle pele Lekgotla la Naha la Phethahatso ha le phetha thomo ya lona e fuweng African National Congress dikgethong tsa 2004, le ho hloma motheo wa tsamaiso ya ka mora dikgetho hore e tswele pele.
Dikgweding tse hlano tse fetileng re kgonne ho etsa bonnete ba hore re ba le diphetoho tse se nang diphoso ho mekgwatshebetso ya mmuso, re leboha tswelopele ya mokgwatshebetso ya molao wa rona wa motheo, e bonahetseng hape le tshebedisanong ya ditho tsa Lekgotla la Phethahatso - tsa kgale le tse ntjha - le boikarabelo bo bontshitsweng ke batsamaisi ba mekga ya mmuso wa rona.
Jwalo ka ha re sheba morao dilemong tse 15, ke rata ho ananela maikemisetso le ho sebetsa ka matla ha Bapresidente Nelson Mandela le Thabo Mbeki ekasitana le banna le basadi ba bileng le seabo tsamaisong ya puso tlasa demokerasi: Lekgotleng la Phethahatso le tsamaisong, makgotla a ketsa melao ditshiyeng tsohle tse tharo tsa puso, le ba Tshebetso tsa Toka, ba susumetswa ke tabatabelo ya ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho bohle ba Afrika Borwa.
Ka hodima tsohle, ke ema ka pela lona ke le motlotlo hape ke na le tshepo ya hore Afrika Borwa eo re e ketekang kajeno e fapane haholo le dikarohano, dithulano le ho qhellwa thoko nakong ya pele ho dilemo tse 15 tse fetileng. Hona ke ntho e tlileng ka baka la ho sebetsa ka matla ha basadi le banna ba mefuta yohle.
Batho bana ba Afrika Borwa ba emela tshepo le matla a re nehang sebopeho sa setjhaba sa habo rona.
Hara bahale ba tummeng hape ba hlahelletseng ka mahetla ba Afrika Borwa ke Ditho tsa Palamente ya rona ya demokerasi bao re ileng ra ba le madimabe haesale ho tloha ka Hlakola selemong se fetileng, re ileng ra ba felehetsa leetong la bona la ho qetela. Bona ba kenyelletsa Brian Bunting, Billy Nair, Ncumisa Kondlo, John Gomomo, Joe Nhlanhla, Cas Saloojee, John Schippers le Jan van Eck.
Hodima lenane lena, ke rata ho bala hape le Mme Helen Suzman, mo-Afrika Borwa ya neng a tsebahala e le ka nnete, ya neng a emetse makgabane a Palamente ya rona e ntjha ditjhembareng tsa kgale.
Ke bona mmoho le ba bang ba ratang naha ya habo bona ba lokelang ho abelana tlotlo ha re phatlalatsa hore - le ha ho ka ba le maemo a jwang kapa jwang a moruo naheng ya habo rona, le ha ho ka ba le diketsahalo dife kapa dife tsa dipolotiki tse ka bakang dintho tse sa hlakang diphetohong tseo re di fihletseng - setjhaba sa habo rona se boemong bo botle.
Le ha ho le jwalo, ha re a tshwanela ho kgella tlase diphepetso tseo re tobaneng le tsona. Ho putlama ha moruo ho beha moruo wa rona kotsing e mpe haholo mabapi le ho lahleha ha mesebetsi le boleng ba bophelo ba batho ba habo rona.
Hantlentle, dintho tse sa hlakang tse bakwang ke diphetoho tsa dipolotiki di ka tlisa dipotso tse ngata ho feta dikarabo tseo re ka bang le tsona ha jwale.
Ka baka leo, ba bang ba rona ba ka makatswang ke diketsahalo tsena tse sa kgahliseng e be re phahamisa mahetla re tobana le mathata ana a moruo le moferefere o leng teng dipolotiking.
Empa leeto la rona ke la tshepo le ho ba matla.
Hape re ka re, ka baka la ntho e etsahetseng e sa tlwaelehang, dintlha tse ngata tsa molao wa rona wa motheo di ile tsa kengwa tekong nakong e sa tswa feta; mme e nngwe le e nngwe ya tsona e fetile tekong eo, mme ya bontsha demokerasi ya sebele e matla ka ho fetisisa.
Demokerasi ya rona e sebetsa hantle haholo. E ntse e hola butle, e tsheheditswe ke Molao wa Motheo oo ho se nang letho le ka lekangwang le ona lefatsheng lohle.
Le jwale, tshebetso ya rona e matla dipolotiking nakong ena ya tlhodisano ya dikgetho - tseo bohle re dumelang hore di lokela ho ba tse hlomphehang hape tsa kgotso - ke tiisetso ya nnete ya ho ntshetsa pele le ho tebisa demokerasi ya rona.
Ke batho ba Afrika Borwa ba entseng bonnete ba hore e hatela pele; mme ke bona ba tla tiisetsa demokerasi ya rona dilemong tse tlang.
Ntumelle, Mme Sepikara le Modulasetulo, hore mona ke etse boipiletso ho batho bohle ba Afrika Borwa ba tshwanelehileng hore ba ingodise mme ba voute dikgethong tse tlang tsa naha le tsa diprovense, e le hore re tle re kgone ho bopa bokamoso ba rona ka borona.
Hona re lokela ho ho etsa letsatsi le leng le le leng la ho sebetsa diofising tsa rona tsa bomasepala, pele lenane la bavouti le kwalwa. Empa hape re lokela ho nka monyetla wa mafelo a beke a ikgethang a ngodiso e hlophisitsweng ke Khomishene ya Dikgetho ya Afrika Borwa (IEC) ka la 7 le 8 Hlakola.
Ke rata hape le ho nka monyetla ona ke bolele hore matsatsing a mmalwa a tlang ke tla phetha ditherisano le Khomishene ya Dikgetho le Ditonakgolo tsa Diprovense mme ke phatlalatse letsatsi la dikgetho.
Ho ba teng ha demokerasi ya rona ke ka baka la batho ba Afrika Borwa bao, ka la 27 Mmesa 1994, kgetlo la pele ba ileng ba kopana ho inkela bokamoso ba bona hore bo be matsohong a bona.
Ka ketso eo e bonolo hape ya bohlokwa ya ho voutela mmuso wa batho ba naha ya habo rona, re ile ra furalla dinako tse fetileng tse neng di sa hlomphe botho ba rona bohle.
Ka hoo ke ntho e tshwanetseng hore re keteke sehopotso sa bo-20 sa ho amohelwa ha Declaration of the OAU Ad-hoc Committee on Southern Africa on the Question of South Africa e amohetsweng ka Phato, 1989 - e tsejwang haholo jwalo ka Harare Declaration.
Tshebetso eo e ile ya hloma motheo wa tumellano ya dinaha tsa lefatshe, ka Kopano ya Matjhaba, mabapi le mokgwa wa ditherisano mona Afrika Borwa.
Ka hara Afrika Borwa, hape e ile ya ela hloko le Khonferense ya Demokerasi ya Nakong e Tlang ya 1989 - e ileng ya kopanya batho bohle ba ratang naha ya habo bona ho tswa dibakeng tse ngata tse fapaneng.
Tsena tsohle di ile tsa ba le sephetho sa hore ho be le tshebetso ya ditherisano e tlileng ka dikgetho tsa ho qala tsa demokerasi ka 1994.
Mabapi le hona re lokela ho tlotla ya neng a le Mopresidente wa African National Congress ya re siileng, Oliver Reginald Tambo, bakeng sa ho qala le ho leka mosebetsi ona ka mekgatlo ya kontinente le ya lefatshe mme hoo ha ba tsela e ileng ya re tlisetsa tharollo ya kgotso ya dithulano naheng ya habo rona.
Mohato oo wa ho ba le sebete wa ho hloma sebopeho se tla batla kgotso le poelano, sebakeng sa ntwa le dithulano, o ile wa fedisa saruri dintho tsa mashano tsa dilemong tse ngata tse fetileng: e leng, ho phethwa ka 1909 ha Seboka sa Naha se ileng sa qetella se hlomme Kopano ya Afrika Borwa.
Le ha Seboka se ile sa hlalosa bokgabane ba tikoloho ya Afrika Borwa jwalo ka ha re tseba kajeno, hoo ho ne ho theilwe hodima kgatello ka ho ya ka borabe le ho qhella ba bang thoko.
Ka hoo, dilemo tse 15 re kene demokerasing ya rona, re ka bolela hore tshabo, ho se sireletsehe le lehloyo leo dilemong tse 100 tse fetileng, di ileng tsa baka kgotso e ikgethang hape eo e seng ya sebele hara bathei ba bokoloniale.
Tshabo le ho se sireletsehe hoo ho ile ha baka kganyetso ya dilemo tse ngata. Mabapi le hoo re tlotla mohale wa setjhaba sa habo rona, Solomon Kalushi Mahlangu ya ileng a fanyehwa dilemong tse 30 tse fetileng, mme yena o ile a ema a le motlotlo a tseba hore madi a hae a tla nwesetsa sefate sa tokoloho.
Ntumelleng ho amohela Lucas Mahlangu, ngwanabo Kalushi, ya emetseng lelapa la ha Mahlangu.
Solomon Mahlangu o ne a ntshetsa pele mosebetsi wa bahlabani ba maoba le maobeng, bao hara bona re ka balang bao ba neng ba le ka tlasa Morena Cetshwayo eo ka 1879 a ileng a hlola masole a Brithani mane Isandlwana, e le ha a sireletsa tokoloho ya beng ba naha ena ya habo rona le bophahamo ba dinaha tsa bona.
Dilemo tse lekgolo le mashome a mararo (130) tse fetileng re ka bua ka tshepo le matla a ileng a ba le tshusumetso dipelong tsa bao ba neng ba na le maikemisetso.
Ditsing tsa thuto, yona kganyetso eo e ile ya ntshetswa pele ka kganyetso ya bongata ba batho ka mora ho thibelwa ha mokgatlo wa tokoloho le ho kwallwa ha ba bangata ba baetapele ba phahameng.
Sehlopha sa baithuti se ile sa tswa ho NUSAS mme sa theha mokgatlo wa sona o neng o tsejwa ka South African Students' Organisation (SASO) dilemong tse 40 tse fetileng.
Hara bona re ka qolla baetapele ba pele ba SASO, ba neng ba kenyelletsa: Strini Moodley, Professor Barney Pityana, Steve Biko, Onkgopotse Tiro, Harry Nengwekhulu, Themba Sono, Mapetla Mohapi, Mosioua Lekota, Johnny Issel le Mthuli ka Shezi. Ka ho susumetsa tshepo ya rona ka nako eo batho ba neng ba se ba fellwa ke tshepo, re a ba tlotla. Mabapi le hona, re rata ho amohela le motjhana wa Onkgopotse Tiro, e leng Pat Tlhagwana.
Ka moya o tshwanang, re rata hape le ho tlotla mofu Ephraim Mogale, ya neng a le Mopresidente ya ileng a thea Congress of South African Students (COSAS) dilemong tse 30 tse fetileng, mmoho le bomphato ba hae.
Ha re hopola baithuti bana ba dilemong tse fetileng re fihlelwa ke molaetsa wa hore ho nyorelwa tokoloho le tsebo ke ntho e fihlang ka matla ho batjha ba rona.
Molaetsa wa ketso tsa bona tsa bahale kajeno e ba wa sebele jwalo ka ha ho ne ho etsahala ka nako eo, hore mmoho re lokela ho matlafatsa metjha ya menyetla ya rona, hore ka mantswe a Freedom Charter, re lokela ho bula "mamati a thuto le setso"!
Re hopola mekgatlo ena le baetapele bakeng sa ho tiisetsa moya wa tshepo le matla a ileng a ba le tshusumetso boitsekong ba demokerasi le ha ho ne ho ena le ho bohehang ho sa hlaka, ho neng ho kgella tlase boikarabelo bo neng bo le mahetleng a rona a ho ntshetsa pele mehopolo eo ba bangata ba ileng ba etsa sehlabelo ka maphelo a bona, ba hana ho tshabiswa ke dintho tse neng di re hulela morao mmoho le mathata.
Ka hoo, Mme Sepikara le Modulasetulo ya Hlomphehang, re lokela ho ipotsa: na diketso tsa rona di behile jwang tsela ya diphetoho ya setjhaba sa Afrika Borwa dilemong tse leshome le metso e mehlano tse fetileng haesale ho tloha ka ho thehwa ha demokerasi ya rona, mme hape re kgonne jwang ho ntshetsa pele mokgwa wa tswelopele ya botho le seriti sa botho haesale ho tloha re fuwe thomo ya demokerasi ka 2004.
Kajeno re na le mokgwa o sebetsang hantle haholo wa demokerasi, o hlonngweng hodima metheo ya ho sebeletsa pepeneng le ho se be le sephiri, moo batho ba bang le menyetla e fapaneng ya ho ba le seabo mme ho na le ditheo tse ikemetseng tse fuweng thomo ke Molao wa Motheo hore di tshehetse demokerasi.
Dilemong tse fetileng, re ile ra ntlafatsa butle dibopeho tsa mmuso. Re bopile mokgwatshebetso wa ho ba le dikamano tse tsamayang hantle haholo mafapheng a mmuso ka bophara, mme ra ntlafatsa le nyalano hara ona.
Ke nnete, mmuso o ka ba motlotlo ka hore re fetotse sebopeho sa dipalopalo ditshebeletsong tsa mmuso moo kajeno di bontshang sebopeho sa setjhaba sa habo rona.
Le ha ho le jwalo, le ha basadi ba bopa 34% maemong ohle a phahameng ditshebeletsong tsa mmuso, hona ho ntse ho haella ho fihlela sebeo sa ho lekanya maemo seo re ipehetseng sona.
Boemong ba naha le makgotleng a ketsa melao a diprovense, ho bonahala ho hlakile hore setjhaba selemong sena se tla feta boemedi ba 32% ya basadi eo ho neng ho shebilwe hore e tla fihlelwa ka 2004, mme re tshepa hore, ekasitana le yona 40% e fihletsweng ka 2006 dikgethong tsa mebuso ya selehae.
Re tshepa hore mekgatlo ya dipolotiki, jwalo ka ha e ntse e phethela manane a yona a dikgetho, e tla kenya letsoho maitekong ana a kgabane!
Le ha ho na le kgatelopele e seng e entswe, ka 0,2%, boemo bo ntse bo le tlase ka tsela e sa kgahliseng mabapi le batho ba sa itekanelang ba hirilweng ke mmuso, ha ho bapiswa le sebeo sa 2% seo re ipehetseng sona.
Nqeng tsena ka bobedi, mekga ya poraefete e salletse morao haholo.
Ho se ho kentswe mekgwa e meng e fapaneng bakeng sa ho ntlafatsa bokgoni ba ho sebetsa ba ditshebeletso tsa mmuso, ho kenyelletswa le tsamaiso ya ditjhelete, Ditsi tsa Ditshebeletso tsa Thusong le mekgwa e meng e fanang ka ditshebeletso, di-izimbizo (dipitso), le boetapele bo matla jwalo ka ha re bona ha jwale ka Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Le ha ho le jwalo, ho sa le hongata ho lokelwang ho etsuwa bakeng sa ho ntlafatsa ditshebeletso le ho tlwaetsa basebetsi ba bang ba mmuso mosebetsi, haholoholo bao ba sebetsang ka ho otloloha le setjhaba.
Jwalo ka ha Ditho tse Hlomphehang di tseba, mmuso wa rona o lwantshitse bobodu e leng e nngwe ya dintho tseo re ileng ra tsepamisa maikutlo a rona ho bona.
Hona ho bonahala haholo, hara tse ding, melaong, melawaneng le dipehelong tse laolang basebetsi ba mmuso le bao ba tshwerweng ditulo tseo ba di fuweng ka ho ya ka dipolotiki, basebedisani le setjhaba, le ba tsa kgwebo, ekasitana le ho ba le mehala ya ho tlaleha bobodu.
E ka nna ba mekgwatshebetso ya ho fana ka kotlo ho bao ba etsang bobodu ha ya lekana, empa ka ho ya ka tjhebelopele ya mmuso, re ka ikgotsofatsa ka hore 70% ya dinyewe tse tlalehuweng tsa bobodu diphatlalatsing tsa ditaba di a tsebahala hobane mmuso o bone ketso tse sa lokang, mme o nka mehato kgahlanong le tsona.
Tsona diphepetso tse tshwanang le tsena di ntse di tobana le mokga wa poraefete. Mafelong, phepetso e batla e tshwana feela le pehelo, ka ha e hloka ho kengwa ha yona tshebetsong ka mokgwa o tshwanang.
Ke na le bonnete ba hore bohle re dumellana ka hore tswelopele ya setjhaba sa habo rona e itshetlehile haholo, kgatelopeleng eo re e etsang ya ho atolosa moruo wa naha le ho netefatsa hore melemo ya kgolo ya moruo e arolelwana ke batho bohle.
Ke ntho e tsebahalang hore, ka mora ho ba moruo o be le bothata ba ho tswela pele ho ya mafelong a bo-1980 le mathwasong a bo-1990, Afrika Borwa e ile ya bona nako e telele ya kgolo ya moruo e sa fetoheng haesale ho tloha ka ho ngolwa fatshe ha dipalopalo tseo ho qadileng ka 1940.
Dilemong tse Leshome tsa ho Qala, kgolo ya moruo e ile ya ba le palohare ya 3% ka selemo, mme hona ho ile ha ntlafala ho ya ho 5% ka selemo ka palohare ho tloha ka 2004 ho ya ho 2007.
E re ka ha keketseho e hodimo ya basebedisi, ka baka la mesebetsi le kuno e ntse e eketseha mmoho le infleishene le sekgahla sa tswala se theohang, e bile le seabo se seholo mabapi le hona, re kgothatswa ke ho thaotha ho batsi ha menyetla ya katoloso e nngwe hape e tswelang pele.
La pele, hona ho kenyelletsa sekgahla se hodimo sa dipeeletso ke mekga ya mmuso le ya poraefete. Mabapi le hona, dilemong tse hlano tse fetileng, re ne re eme ho 16% ya gross fixed capital formation jwalo ka persente ya Gross Domestic Product (GDP). Hona ho bakilwe ke ho potlakiswa ha dipeeletso tseo kajeno di emeng ho 22%, haufi le 25% eo re neng re e shebile hore re ka e fihlela feela ka 2014. Hona ke karolo e nngwe e tlileng ka mananeo a mmuso a ho atolosa dibopeho tsa motheo tsa setjhaba.
Hape ke sephetho sa maano a ho ntlafatsa tshebetso bakeng sa dipeeletso tsa mekga ya poraefete; le ho tsamaisa leano la tsa ditjhelete ka tsela e tla atolosa phihlelo ya ditshebeletso e fokotse bothata ba infleishene, mme ka yona nako eo e ntse e tiisetsa hore ho ba le botsitso le tswelopele tshebetsong tse kgolo tsa moruo.
Tsepamiso ya maikutlo diphetohong tsa tshebetso tse nyenyane tsa moruo dilemong tse leshome tse fetileng, le maiteko, haholoholo a haesale ho tloha ka 2004 a ho tlosa ditshita tse fapaneng tsa kgolo e bile le sephetho se setle.
Ka ona moya oo lenaneo la Tshebetso ya Kgolo e Potlakisitsweng hape e Kopanetsweng (AsgiSA) le kengwang tshebetsong, ho netefatsa hore ditshitiso tsohle tse jwalo ka tsa dibopeho tsa motheo, leano le mananeo a indasteri e nang le nyalano, diphepetso tsa bokgoni, ditshitiso tsa taolo le bokgoni ba ho sebetsa hantle ha ditshebeletso tsa mmuso di rarollwang ka tsela e tsepamisitseng maikutlo hape e latelang lananeno le itseng.
Moruo wa rona o se o sebeletsa pepeneneng haholo, mme haesale ka 1994 o ne o ntse o ba le nyalano butle le mokgwatshebetso wa lefatshe ka bophara. Ditheo tsa rona tsa ditjhelete ke mehlala e metle e re sireleditseng ka tsela e itseng mathateng a lefatshe a tsa moruo.
Empa, bonamo ba phihlelo ya tsona hara setjhaba sa habo rona e ntse e le ntho e ka tlase ho e lebelletsweng. Moruo wa rona o ntse o itshetlehile haholo merafong le temong bakeng sa diyantle. Ntle le mokgeng wa ditshebeletso, ha re eso bone katoloso e kgolo ha kaalo mekgeng ya bohlokwa, haholoholo tlhahisong.
Ka hoo, sekgahla sa kgolo ya diyantle ha se eso be hodimo hore se ka bapiswa le sa dinaha tse ding. Ke bona bofokodi bona bo bakileng kgaello e kgolo haholo ya Current Account haholoholo ha re kena kgolong e phahameng haholo.
Mme hobane re na le sekgahla se tlase sa polokelo, re ile ra tshwanela ho tshepela ho phallo tsa kapetlele tsa nako e kgutshwane ho thusa ka ditjhelete kgaello ekasitana le mananeo a rona a dipeeletso.
Tsena ke diphepetso tseo naha ya habo rona e tla lokela ho shebana le tsona bakeng sa ho tswela pele.
Ntho ya bohlokwa haholo ke ya hore: na kgolo ya moruo e lokela ho ba mabapi le eng Leruo le botjwa bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho?
Ka hoo, potso ya hore na kgolo e lokelwa ho arolelanwa ka ho lekana e lokela ho bopa tshiya ya bohlokwa menahanong yohle e mabapi le tsa moruo.
Sa bohlokwa hape, ho abelana melemo ya kgolo ho lokela ho kenyelletsa mekgwa ya ho sebetsa, ho netefatsa hore ho ba le mesebetsi e amohelehileng.
Ke nnete, hore re ka ba motlotlo ka rekoto ya hore pakeng tsa 1995 le 2003, moruo o ile wa bopa paloyohle ya mesebetsi e miliyone o le mong le halofo e metjha; mme sa bohlokwa le ho fetisisa, e ka ba mesebetsi e ka bang 500 000 ka selemo pakeng tsa 2004 le 2007.
Nakong ena ya moraorao tjena, e leng kgetlo la pele haesale re fumana demokerasi ya rona, ho theilwe mesebetsi e mengata ho feta batho ba bangata ba ntseng ba kena mmarakeng wa mesebetsi, mme hoo ho fokotsa sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi ho tloha ho 31% ka 2003 ho ya ho 23% ka 2007.
Le jwale, hona ha ho a tshwanela ho re fapohisa ditlamong tsa rona tsa ho tswela pele ho shebana le taba ya boleng ba mesebetsi ena, ho kenyelletswa le ditokelo le melemo e tla fumanwa ke basebetsi.
Ho abelana melemo ya kgolo hape ho lokela ho kenyeletsa ho kengwa tshebetsong ka potlako ha leano la ho fana ka menyetla ho bao ba neng ba e tingwa, ho kenyelletswa le Matlafatso e Batsi ya ba Batsho Moruong e leng Broad-based Black Economic Empowerment.
Hona ha se tsela e nngwe ya kgethollo ya borabe. Hantlentle, naha e sa etseng bonnete ba ho kenyelletsa setjhaba sa yona sohle maemong ohle a moruo moo ho hlakile hore e tla sebetsa ka tsela e ka tlase ho bokgoni ba yona ba sebele.
Ntlha ya hore mokga wa poraefete e salletse morao mabapi le ho fetola dipalopalo tsa tsamaiso le mesebetsi e hlokang bokgoni bo itseng, ntshetsopeleng ya kgwebo le tse ding ho etsa hore naha ya habo rona e be lenama haholo kgolong e hodimo.
Ho abelana melemo ya kgolo hape ho bolela ho ba le seabo se sebetsang hantle haholo hape se lekanang bakeng sa mmuso hore o sebedise ditjhelete jwalo ka sesebediswa sa kabo botjha le kabelano ya mosebetsi wa ho fana ka dintho tse ntle setjhabeng.
Ditho tse Hlomphehang le tla hopola dintlha tse ngata tse mabapi le ditaba tse amanang le meputso ya setjhaba. Le ha ho le jwalo, ke bolela mehlala e mmalwa feela ho fana ka setshwantsho sa kgatelopele eo re seng re e entse mmoho le diphepetso tseo re tobaneng le tsona.
Mmuso o ntse o tseba ka bofuma bo jeleng setsi bo ntseng bo hasane hara setjhaba sa heso; ekasitana le boemo bo hodimo haholo ba ho se lekane.
Dilemong tse 15 tse fetileng re entse ka matla ho lwantshana le bothata bona ka meputso ya setjhaba.
La pele, bofuma ba tsa ditjhelete bo theohile haholo haesale ho tloha mathwasong a sentjhuri. Boholo ba phokotso bo bakilwe haholo ke katoloso ya ditshenyehelo tsa dithuso tsa setjhaba ho tloha ka 2002 ho ya pele. Ntlafalo ena e bonahala ka phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo - ho theoha ka potlako ha bofuma ba thepa le hona ho etelletse pele ho theoha ha bofuma ba ditjhelete. La bobedi, Le ha diphokotso tsa bofuma di bile kgolo, ho se lekane ho eketsehile dilemong tsa bo-1990. La boraro, dintho tse ngata tse bopang bofuma le ho se lekane di hlwaya tjhebahalo e batsi ya leano [B]Bofuma bo fokotsehile haesale ho ba re be le diphetoho, empa ... ho se lekane ha ho eso ntlafale.
Hara malapa a kenyelletsang bana (ba ka hlaloswang e le ba dilemo tse 17 le ka tlase), palo ya malapa a tlalehileng hore ngwana o bolawa ke tlala e theohile haholo (ho tloha ho dipersente tse ka hodimo ho 31 ho ya dipersenteng tse 16) pakeng tsa 2002 le 2006. Hona ho bolela hore boemo ba bofuma bo ntlafatse haholo, haholoholo hara batho ba tinngweng tsa thekolohelo haholo. Tlala e fokotsehile ka halofo dilemong tse nne tse fetileng.
Le jwale, dintho tsena tseo ba di boneng di tiisetswa ke diphuputso tsa rona, tse bontshang hore bofuma ba tjhelete haholoholo hara setjhaba sa ma-Afrika le Makhalate bo theohile, e ka ba hona ho tlile ka baka la sekgahla se hodimo sa mesebetsi le phihlelo ya dithuso tsa setjhaba. E re ka ha palo ya baamohedi ba dithuso e ne e le 2,5 miliyone ka 1999, ka 2008 palo ena e ile ya nyolohela ho 12,4 miliyone.
Hona ho bakilwe haholo ke katoloso e kgolo ya phihlelo ya Dithuso tsa Sapoto ya Bana, e ileng ya eketseha ho tloha ho baamohedi ba dikete tse 34 ka 1999 ho ya ho ba 8,1 miliyone ka 2008.
Jwalo ka karolo ya ho kenya letsoho kunong ya mafutsana, sebeo sa menyetla ya mesebetsi e ka bang 1 miliyone ka Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba e ile ya fihlelwa ka 2008, selemo pele ho nako e behuweng ka ho ya ka thomo ya bakgethi ya 2004. Hona ho bopile kgonahalo ya ho atolosa haholo lenaneo lena le ho ntlafatsa boleng ba lona.
Mabapi le phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo ke malapa, dipalopalo di ya ipaka. Mohlala, phihlelo ya metsi a nwehang e ntlafetse ho tloha ho 62% ka 1996 ho ya ho 88% ka 2008; motlakase (58% ho ya ho 72%); tsamaiso ya dikgwerekgwere (52% ho ya ho 73%).
Bopaki ba moputso wa setjhaba bo bonahala hape le dintlafatsong tse kgolo tsa phihlelo ya dibaka tsa tlhokomelo ya motheo ya bophelo. 95% ya batho ba Afrika Borwa jwale ba se ba dula bohole ba sa feteng dikilometara tse 5 ho tloha dibakeng tsa tlhokomelo ya bophelo, mme re bolellwa hore ditliliniki jwale di se di kgona ho fihlela metsi a tshwarehang. Tshebetso tsa moento wa bana di eketsehile ho ya ho 85%, mme ditlaleho tsa malaria di fokotsehile haholo.
Re a kgothala hape moyeng ha e le mona diphuputso di supa hore sewa sa HIV se ntse se ba le botsitso athe hape ho na le phokotseho e nyenyane ya sekgahla sa tshwaetso.
Hodima moo, lenaneo la rona la kalafo ka di-antiretroviral ha se le leholo feela lefatsheng, empa le ntse le hola ka dinako tsohle, moo ho nang le bakudi ba ka hodimo ho 690 000 ba seng ba qadile ka kalafo ya di-antiretroviral haesale ho ba lenaneo lena le qale.
Empa dibaka tse ngata tsa tlhokomelo ya bophelo ka mehla ha di na meriana e hlokehang, basebetsi ba tshwanetseng, le phepelo e tshwanang ya ditshebeletso tsa motheo tse jwalo ka metsi a hlwekileng a tsamayang ka dipeipi mmoho le motlakase. Ho tse ding tsa dibaka tsena, tsamaiso e ya fokola mme boitshwaro ba basebetsi bo hloka ntlafatso.
Thutong, re bone ho theoha ha reshio ya matitjhere: le baithuti; mme e batlile e tshwana le dinaheng tse ding ka ho ya ka ngodiso ya baithuti boemong ba sekolo sa poraimari; le ntlafatso palong ya baithuti ba atlehang dithutong tsa mmetse, mme hona ke mehlala feela e mmalwa.
Ho sa le jwalo, ho entswe maiteko a mangata mabapi le ho ntlafatsa dibopeho tsa motheo dibakeng tse futsanehileng.
Re a tseba hore palo tsa bao ba tlohelang dithuto tsa bona dikolong tsa disekondari le thutong e phahameng e hodimo ka tsela e sa amohelehang, mme mokgwatshebetso wa thuto o lokela ho hlahisa mefuta e hlokehang ya bokgoni bo batlehang setjhabeng sa habo rona.
Hodima moo, ditlwaelo tsa tshebetso, ka bobedi ka ho ya ka ho ruta le ho ithuta, di bontsha ho ba teng ho bakang matshwenyeho ha dikarohano tsa setjhaba tsa nakong e fetileng.
Ho fapana haholo le seo re se buwang, hantlentle moo thuto e hlokehang haholo bakeng sa ho thusa bofumeng, ke hona moo dibopeho tsa motheo, tsamaiso le bokgoni ba matitjhere bo leng tlase haholo.
Mananeo a mmuso a ho hlokomela setjhaba le ona a ntlafaditse motheo wa mafutsana, ka mokgwa wa phano ka matlo - moo ho fanweng ka matlo a nang le disaposidi a 2,6 miliyone.
Re lokela ho ananela taba ya hore lenaneo la kabo botjha ya mobu ekasitana le tshehetso ya ka mora ho fihlela ditharollo le ka be le sebeditswe ka potlako le ka tsela e ntlafetseng.
Ka kakaretso, re motlotlo ka kgatelopele ya mananeo a rona a thuso ya setjhaba. Empa re ke ke ra ikgotsofatsa feela ka diphetoho tsa dipalo tsa dintho.
E ka ba thutong, bophelong, matlong, metsing kapa tsamaisong ya dikgwerekgwere, potso e nngwe eo re tobaneng le yona letsatsi le letsatsi mme yona ke ya hore na re tla ntlafatsa jwang boleng ba ditshebeletso tsena! Mabapi le hona re ntse re na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya.
Bothata ba botlokotsebe e ntse e le sesosa se seholo sa ho se sireletsehe ha batho ba Afrika Borwa. Boiphihlelong ba bona ba letsatsi le letsatsi, dibakeng tse futsanehileng ka ho tshwana, ke e nngwe ya dintho tse bakang ditlhaselo tse kgopo.
Hara ditheo tsa mmuso le tsa poraefete, kgonahalo ya ho ba le dikimi tsa bolotsana tse inkelang ka tsela e sa lokang mehlodi ya thuso ka bobodu ka mehla, ke yona ntho e re tshwenyang.
Paloyohle ya botlokotsebe, jwalo ka ha e ile ya nyoloha ka 2002, e ntse e theoha ha jwale. Ho ka hlahiswa mefuta e fapaneng ya dipalopalo ho bontsha bopaki ba hona.
Empa re a tseba hore phokotseho ya bona ha e tsamaye ka potlako ka mokgwa o tshwanetseng, ebile ha e latele le sekgahla sa 7-10% seo re neng re ipehetse sona dihlopheng tse fapaneng tsa botlokotsebe. Ntlha ya hore diketsahalo tsa ditlatlapo tse mpe haholo tsa malapeng le dikgwebong di ntse di eketseha, mme le botlokotsebe kgahlanong le basadi le bana ha bo a theoha ka tsela e bonahalang, ena ke e nngwe ya dintho tse ding tse re tshwenyang haholo.
Hona ho supa bofokodi dibakeng tseo re dulang ho tsona, haholoholo mabapi le ho bopa dikamano tsa baahi tse tla re thusa ho thibela le ho lwantsha botlokotsebe. Hona ho supa bofokodi tshebetsong tsa rona tsa toka e lwantshang botlokotsebe, ho tloha diphuputsong tsa botlokotsebe ho ya tlhabollong ya batshwaruwa. Ho supa bofokodi bokgoning ba ho sebetsa ba makgotla a rona a dinyewe, ka ho ya ka botekgeniki le dibopeho tse ding tsa motheo le tsamaiso.
Tsena ke tsona ditaba tseo ntlafatso e felletseng ya mokgwatshebetso wa toka e qadileng ho shebana le tsona.
Empa, ha re batla ho ba hlokolosi haholo ka borona, ha re a tshwanela ho se tsotelle ntlha ya hore seo re se lekolang ke mokgwa o natefelwang haholo ke tumello e ntlafetseng eo re kileng ra ba le yona mona naheng ya habo rona.
Hona ke ka baka la diphetoho tseo ditheo tsena di fetileng ho tsona, ka ho ya ka dithuto tsa tsona tse theilweng hodima ditokelo tsa botho, sebopeho sa dipalopalo tsa tsona, le mekgwa ya tsona ya boikarabelo.
Empa ha re se keng ra ithetsa: jwalo ka bophelo ba rona bohle, diphetoho tsena di sa ntsane di le maemong a hlahellang a ho qala. Re ntse re na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya.
Ke na le bonnete ba hore Ditho tse Hlomphehang di tla dumela hore botho ba puso ya rona ya demokerasi bo tla fumana kelo hloko haholo bakeng sa bao ba sa sireletsehang setjhabeng.
Mabapi le hona, re entse hore ka melao, dilekane tsa matjhaba, melawana le matsholo hore ho tiisetswe maiteko a matla a ho ntlafatsa maemo a bana, basadi, batho ba sa itekanelang le maqheku.
Ka matsholo a tshehetso le ka baka la tshebedisano tseo re di bopileng le mekgatlo e emelang dihlopha tsena tse sa sireletsehang, re ntlafaditse temoso mabapi le ditaba tse ba amang, mme ra tswela pele ho kgothaletsa ho etsa hore matshwenyeho a bona a be karolo ya dintho tsohle tseo ho shebanweng le tsona.
Re na le rekoto e motlotlo haholo, moo malapa ao dihlooho tsa ona e leng basadi ba ileng ba fumana karolo e hodimo ya moputso wa setjhaba ho kenyelletswa le kaho ya matlo, le tlhokomelo ya bophelo, le hore hara mananeo a mang a atlehileng ho bile le matsholo a ho enta le ho fepa bana.
Empa phihlelo ya mesebetsi e ntse e le bothata bo boholo bakeng sa basadi ba mahaeng, batjha le batho ba sa itekanelang. HIV e na le sephetho se sebe haholo basading ba sa leng batjha. Tshebediso ya dikgoka basading le baneng e hodimo haholo.
Tsena tsohle ke mosebetsi wa nakong e tlang.
Tsena ke tse ding tsa dikgatelopele tseo demokerasi e re tliseditseng tsona, le kgatelopele eo mmuso o e entseng ho phethahatsa thomo ya bakgethi.
Ha se ho ikotla sefuba ha re re tekanyo ya kgatelopele eo re seng re e fihletse haesale ka 1994 e bile e kgahlisang haholo. Empa le teng ha ho na pelaelo hore diphepetso le tsona di ntse di le kgolo.
"Ke tsamaile tsela eo e telele e lebileng tokolohong. Ke lekile hore ke se etse diphoso, tseleng ke ile ka hata ka leoto leo e seng lona ka dinako tse ding. Empa ke utullutse sephiri sa hore ho hlwella leralla le leholo, o tla fumana hore ho na le maralla a mang a manyenyane a mangata ao o lokelang ho a hlwa. Ke nkile nakwana mona hore ke phomole, hore ke bohe tikoloho ena e ntle ka ho fetisisa e mpotileng, hore ke hetle ke shebe morao leoto leo ke le tsamaileng. Empa nka nna ka phomola hanyenyane, hobane tokoloho e tsamaya le maikarabelo, mme ha ke batle ho salla morao, hobane tsela ya ka e telele ha e eso fele."
Dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale batho ba naha ya habo rona ba tla ikgethela baetapele bao ba batlang hore ba ntshetse pele mosebetsi o kgabane wa molwanela tokoloho enwa le bathei ba bang ba demokerasi ya rona.
Le ha ditsela tseo re di sebedisang di ka fapana, maikemisetso ao re batlang ho a fihlela a hlakile hape ha a rarahana jwalo ka ha a hlahella Molaong wa rona wa Motheo: ho thea setjhaba se kopaneng, se se nang kgethollo ya borabe, se se nang kgethollo ya bong, sa demokerasi hape se atlehileng se tla ba le seabo se nang le tshepo kahong ya lefatshe le ntlafetseng.
Dilemong tse tsheletseng tse fetileng, baetapele ba batho ba habo rona ba ile ba kopana Sebokeng sa Kgolo le Ntshetsopele mme ba fihlela tumellano ka mesebetsi eo bohle re lokelang ho e etsa bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba batho ba Afrika Borwa, haholoholo ho fokotsa bofuma ka halofo ho ya selemong sa 2014.
ketsahalo tsa ka hara naha, le ho kengwa tshebetsong bakeng sa ntshetsopele, ho kenyelletswa le phano ya dibopeho tsa motheo le phihlelo ya ditshebeletso tsa motheo.
Ke na le bonnete ba hore, jwalo ka karolo hape le ka hodima, maikemisetso ana, batho ba Afrika Borwa ba ke ke ba fapana mabapi le ho batla ho ntlafatsa mokgwa rona wa tshebetso wa thuto, ho fana ka tlhokomelo ya bophelo e sebetsang hantle, e amohelehileng hape e lekanang, ho ntshetsa pele dibaka tsa rona tsa mahaeng le ho etsa hore ho ba le polokeho ya dijo, ekasitana le ho matlafatsa ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu.
Ke bolela ditaba tsena e seng feela hobane di akaretsa, kapa ka ho hlwaya tsona, re ka lokisa dintho tsohle tse sa lokang setjhabeng sa habo rona. Empa, ke kgethile ho etsa jwalo hobane ke batla ho tiisetsa ntlha ya hore Afrika Borwa ha e sotlwe ke ho haellwa ke mehopolo. Phepetso ya rona ke ho fetolela mehopolo ena ho ba mananeo le diprojeke tse tla thusa ho qala mesebetsi ka tsela e sebetsang hantle haholo.
Mehopolo ena e abelanwa ke batho bohle, jwalo ka ha e hlahella ho United Nations Millennium Development Goals.
Mme batho kajeno ba tobane le kotsi ya hore bakeng sa ho fihlela maikemisetso ana hoo ho ka kgutlisetswa morao ka dilemo tse ngata, ka baka la bothata ba tsa moruo boo lefatshe lohle le tobaneng le bona.
Seo motheong wa sona se qadileng e le bothata ba ditjhelete hara ditheo tse mmalwa tse kadimisanang ka ditjhelete se qetelletse e le bothata bo ammeng lefatshe lohle, ka ditlamorao tse sa kgahliseng bakeng sa tlhahiso le kgwebo.
Re ka seholla meharo, tshebediso ya dinako tse kgutshwane le ho se tsotelle ha batsamaisi ba dikhampani tse kgolo tse potlakisitseng bothata bona. Re ka tshwaya phoso mananeo a mmuso a sa kang a shebana le hona mme a dumella hore bothata bona ba mebaraka bo kenelle ho mekgwatshebetso ya rona ya ditjhelete. Re ka etsa hona hohle, mme re tla be re na le tokelo ya hoo.
Empa mosebetsi wa rona o moholo hape o potlakileng ke ho ananela ka botlalo ditlamorao tsa diketsahalo tsena moruong wa rona le lebatoweng la rona, mme re hlahise mekgwa ya ho fana ka dikarabo tse tla fokotsa sekgahla sa hoo, haholoholo dikarolong tse sa sireletsehang tsa setjhaba sa habo rona.
Seo re se tsebang ke hore karolo ya taolo ya naha ya habo rona mmoho le maano a dibajete ao re a amohetseng a re thusitse ho qoba sephetho se sebe ka ho fetisisa sa bothata bona.
Empa bohle re tseba hantle hore, hobane re kene haholo moruong wa lefatshe, kopo ya diyantle tsa rona e fokotsehile; phihlelo ya ditjhelete le phallo ya kapetlele e mpe haholo; tseko e tlase e bakile ho fokotseha ha tlhahiso; ho thehwa ha mesebetsi ho amehile hampe haholo, mme dikarolong tse ding ho fokotswa ha batho mosebetsing ke ntho ya sebele.
Mathata ana a kopane le nako eo ka yona infleishene le sekgahla sa tswala di leng hodimo haholo.
Kaofela ha tsona, ketsahalo tsena ke matshwao a bontsha kuno eo re e hlokang bakeng sa ho atolosa phano ya ditshebeletso le ho kenya tshebetsong diprojeke tsa rona tsa dibopeho tsa motheo. Ka hoo, re qobelletswe ho fokotsa tjhebelopele ya rona mabapi le kgolo le ho thehwa ha mesebetsi.
Re a tseba hape hore Afrika Borwa ha ya ameha hampe hakaalo ho feta dinaha tse ding tse ngata. Ka nnete, nako eo ka yona dinaha tse ding di bang le mathata a tsa moruo ka yona, Afrika Borwa le kontinente kaofela ba shebile kgolo, le ha e le ka mokgwa o tsamayang butle.
Mabapi le hona, Ditho tse Hlomphehang, ke motlotlo ho tlaleha hore dikamanong tse pakeng tsa Ofisi ya Mopresidente le baetapale ba basebedisani ba fapaneng ba setjhaba, re dumetse ka kopanelo ho hlahisa mekgwa e tla fokotsa sephetho sa bothata bona setjhabeng sa habo rona.
La pele, mmuso o tla tswela pele ka diprojeke tsa ona tsa peeletso setjhabeng, tseo boleng ba tsona bo nyolohetseng ho R690-biliyone bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Mabapi le hona, moo ho hlokehang, re tla fumana ditsela tse nang le tshibollo tsa ho bokella ditjhelete.
Hona ho tla kenyeletsa tshehetso ya ditheo tsa rona tsa ntshetsopele ya tsa ditjhelete le ditjhelete tsa kadimo ho tswa di-ejensing tsa matjhabeng, ekasitana le tshebedisano le mokga wa poraefete le tshebediso ya mehlodi ya thuso e tla laolwa ke basebetsi e jwalo ka matlole a penshene.
La bobedi, re tla matlafatsa mananeo a mesebetsi ya mmuso. Ka lehlakoreng le leng, merero ya ho atolosa mesebetsi mekgeng e jwalo ka ya bophelo, ditshebeletso tsa setjhaba, thuto le di-ejensing tsa ho kenya molao tshebetsong e tla tswela pele. Ka lehlakoreng le leng, re tla potlakisa ho kengwa ha mokgahlelo o latelang wa Lenaneo la Mesebetsi e Atolositsweng ya Setjhaba.
La boraro, ho ka nkuwa mehato ya tlhakiso ka hara mokga wa poraefete ho sebetsa kgahlanong le ho theoha ho hoholo ha dipeeletso le ho kwalwa ho sa hlokeheng hwa metjha ya tlhahiso kapa dipolante.
Ka karolong ya ona, mmuso o tla fetola thuso ya ditjhelete ya indasteri le disebediswa tsa kgothaletso ho thusa ho shebana le diphepetso mekgeng e fapaneng, hape le ho kgothaletsa ditheo tsa ntshetsopele ya tsa ditjhelete ho thusa difeme tse mathateng ka baka la bothata bona.
Ho tla shejwa ditsela tse ding tse fapaneng le tsa ho behela batho ka thoko, ho kenyelletswa le matsatsi a phomolo a matelele, thupelo e ekeditsweng nako, nako e kgutshwane le ho abelana mosebetsi. Hona ho tla kopangwa le kgothaletso ya letsholo la ho ba motlotlo ka ho reka dintho tsa Afrika Borwa e leng Proudly South Africa le ho nka mehato e matla kgahlanong le ditswantle tse seng molaong.
La bone, mmuso o tla ntshetsa pele le ho atolosa ditshenyehelo tsa setjhaba, ho kenyelletswa le ho eketsa phihlelo ya dithuso tsa sapoto ya bana ho ya fihla baneng ba dilemo tse 18, le ho fokotsa dilemo tsa ho tshwaneleha pele o ka fumana penshene ya boqheku hore e be dilemo tse 60 bakeng sa banna.
Hodima mona, re tla sebedisa ka bophara lenaneo la thuso ya setjhaba le tsejwang ka Social Distress Relief Grant le mehato ya tshireletso ya dijo haholoholo hape bakeng sa ho tsepamisa maikutlo ho bao ba sa sireletsehang ka Letlole la Inshorense ya Tlhokeho ya Mosebetsi (UIF) kapa bao ba qetileng dibenefiti tsa bona.
Re tla tswela pele ho ba le kelo hloko e ikgethang ho phepetso ya boitshwaro ba ho ba kgahlanong le tlhodisano ka lehlakoreng la tse ding tsa dikoporasi tsa rona. Mabapi le hona re rata ho tlotla Khomishene ya Ditlhodisano bakeng sa letsoho le matla leo ba le bontshang ka ho etsa bonnete ba hore bao ba tlolang molao ba qoswe.
Le ha ho le jwalo re tshepa hore setjhaba se tla ntshetsa pele boemo ba sona ba boitseko ho etsa bonnete ba hore, hara tse ding, ha ditheko di ntse di theoha, molemo oo o fumanwe ke batho bohle.
Mehato ena e potlakileng e tla susumetswa ke motheo wa leano la tsa ditjhelete. Le ha ho le jwalo, re tla etsa bonnete ba hore maemo a ho kadima ditjhelete ke mmuso e ba a elang hloko hape a tswelang pele. Hona hape ho bolela phokotso e potlakileng ya dikoloto tsa mmuso ha maemo a ka ntlafala.
Maiteko a rona hape a tla susumetswa le ke kananelo ya hore mehato ya ho sireletsa tikoloho le ho fokotsa sekgahla sa ho fetoha ha tlelaemete ho ka ba hape le seabo sa ho thea mesebetsi.
Ka bobedi dikopano tsa G20 le dikamano tse ding ditheong tsa dinaha tse ngata tse kopaneng, mmuso wa rona o entse boipiletso bo potlakileng ba hore ho kenwe dipakeng haholoholo dinaheng tse tswetseng pele moo bothata bo hlahileng teng le moo bo leng bobe le ho feta. Re dumela hore nako e se e fihlile ya ho matlafatsa melawana ya ka hara naha le ho lebela mokgwatshebetso wa ditjhelete; empa ho feta mona, tekolo e matla le mohato o tla nkuwa lefatsheng ke dintho tse hlokehang ka mokgwa o ke keng wa qojwa.
Sa bohlokwa, re lokela ho sireletsa bokgabane ba mokgwatshebetso wa kgwebo ya lefatshe, re phethe ditherisano tsa ha jwale tse mabapi le Doha Round tsa ditherisano tsa kgwebo ya lefatshe, le ho netefatsa hore thuso ya ntshetsopele ha e kgellwe tlase.
Thuto e tsamaelanang le boiphihlelo bona ke ya hore re hloka tshebedisano tse matla hara bathahaselli ba bang le seabo moruong mona ka hara naha le matjhabeng, e seng feela ho qeta sephetho sa bothata, empa hape ho kenya mehato e tla thibela hore hona ho boele ho hlahe hape.
Naheng ya habo rona, re tla qala ka ketsahalo tsena jwalo ka karolo ya tshebetso ya ho beha setjhaba sa habo rona kgolong e hodimo le tseleng ya ntshetsopele. Bolelele ba nako ya ho fihlela tsela e hodimo e ka nna ba bo atolositswe ka mokgwa o itseng. Empa ha re na pelaelo ya hore nako e tla fihla ka potlako.
Mabapi le hona, hore na re beha naha ya rona boemong ba ho fihlela menyetla e fapaneng e re tobileng, e tla ba ntho ya bohlokwa haholo. Ke bua mona haholoholo ka Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 ekasitana le Mohope wa Kopanelo dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale. Hantlentle diprojeke le merero yohle e se e phethilwe kapa e ntse atamela ho phethahaleng - ho tloha ho mabala a dipapadi, dibopeho tsa motheo tsa dipalangwang, maemo a tshireletso, ditaba tsa bodulo, ho ya mererong ya bophelo bo botle le bofalling - ho tiisetsang tshepo karolong ya tsa dipapadi tsa bolo ya maoto, ho bolelang hore thonamente ya rona ya bolo ya maoto e tla ba e atlehileng haholo.
Mme re dumela hore, ka mora phenyo tse hlano tse latelanang, sehlopha sa rona sa naha sa bolo ya maoto se ikemiseditse ho sebetsa ka makgethe haholo!
Empa ka hodima hona, sephetho sa hona sa nnete e tla ba sa bokgoni ba rona ba ho bontsha bokgoni ba kamohelo ya baeti le botho ba Afrika Borwa mmoho le Afrika - ho fetola le mehopolo eo batho ba lefatsheng ba nang le yona ka naha ya habo rona le kontinete ya habo rona. Hona ho tla itshetleha ho rona bohle, mme bohle ha re ineeleng.
Re rata hape le ho lebohisa dihlopha tsa rona tsa dipapadi tse ntseng di ntshetsa pele maiteko a Afrika Borwa a ho fihlela boemo bo kgabane selemong se fetileng. Re lebise hape le tlotlo e ikgethang sehlopheng sa rona sa cricket ka ho ba boemong bo hodimo lenaneng la lefatshe.
Re bompodi ba Mohope wa Lefatshe wa Rugby; Giniel de Villiers le sehlopha sa hae ba fentse Dakar Rally; sehlopha sa rona sa ba sa itekanelang e leng di-Paralympians ba ntse ba tswela pele ho re etsa motlotlo; mme le sehlopha sa rona sa bolo ya maoto sa ba ka tlase ho dilemo tse 20 se sebeditse hantle haholo tlhodisanong e neng e le matla haholo.
Dibekeng tse pedi tse sa tswa feta, Afrika Borwa e ile ya phetha le naha ya Mali karolo ya diakhaeve tsa ho sireletsa dingolwa tsa boholoholo tsa Timbuktu.
Botjhaba bona bo matla bo supa hore Afrika ke yona mohlodi wa saense le dingolwa, filosofi le kgwebo, mme e sitiswa ke kgwebo ya makgoba le bao ba habileng moruo wa Afrika.
Tshebetso ena e lokela ho re susumeletsa hore re sebetse mmoho le dinaha tse ding tse leng kontinenteng ya rona le kantle ho yona ho ntlafatsa boemo ba batho.
Le jwale, dilemong tse 15 tse fetileng re sebeditse ka matla ho netefatsa hore Afrika e ba le ntjhafatso eo hantlentle e leng ya Sentjhuri ya Afrika. Butle empa ka nnete, kontinente ya rona e hatela pele ho tlisa tsosoloso ka kgahleho ya batho ya ho hlwella hodimo ho lenanetaba la baetapele ba bona, e tsitlallela ho bontsha tshepo le matla a yona lefatsheng lohle.
Ke hona, mme hona feela, ho entseng hore re nne re tswele pele ho thusa batho ba Zimbabwe thore ba fihlele tharollo e saruri ya mathata naheng eo. Mabapi le hona re rata ho lebohisa mahlakore ohle a amehang mane Zimbabwe bakeng sa ho phetha ditherisano, ho fana ka sephetho seo haesale se ntse se lebelletswe ke batho ba naha eo le sapokontinente ka bophara: e leng sa, mmuso o nang le botsitso hape o amohelehileng o ikemiseditseng ho shebana le diphepetso tseo batho ba tobaneng le tsona. Re bile le tshusumetso ya sebele, maobane mona ha Palamente ya Zimbabwe e ne e fetisa Phetolo ya 19 ya Molao wa Motheo, e hlomang motheo wa ho kenya mmuso o akaretsang.
Mabapi le hona re ka qolla ka ho ikgethang mothusi wa SADC, eo e neng e le Mopresidente Thabo Mbeki le sehlopha se sebeditseng ka matla ho etsa tshebetso ena e fihle pheletsong e atlehileng.
Jwale mosebetsi wa kaho botjha o ka qala ka sebele; mme Afrika Borwa e se e le malalalaotswe ho thusa kae kapa kae moo e ka kgonang. Mabapi le hona, ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho thusa ho sebetsana le bothata ba tsa botho naheng eo. Re na le tshepo hore, hobane ba tsotella baahi ba matjhabeng ba tla sebedisana le batho ba Zimbabwe jwalo ka ha ba kena tseleng e ntjha.
Re a kgothala hape hore, eng kapa eng e bohehang e tshwanela sebopeho sa kgatelopele ya batho ba Democratic Republic of Congo jwalo ka ha ba lebile botsitsong le katlehong, kgatelopele e ke ke ya sitiswa.
Tshebedisano e ileng ya botjwa haufinyane tjena pakeng tsa baetapele ba DRC le ba Rwanda e bontsha tshepiso ya ho ntshetsa pele ditaba tsa tshireletso ha ho sebetsanwa le mathata a botho; empa, re na le tshepo, hape mabapi le dipuisano tsa dipolotiki. Ka tsela e tshwanang, re tla tswela pele ho sebetsa le dinaha tse ding le Kopano ya Matjhaba ho pheella ho fihlella maikemisetso ana mane Burundi, Sudan, Western Sahara, CÃ´te d'Ivoire, Somalia le dinaheng tse ding.
Jwalo ka ha ho bonwe ka ntshetsopele tse ding dikgweding tse mmalwa tse fetileng, Afrika Borwa e tla sebedisa monyetla wa bodulasetulo ba SADC ho matlafatsa setheo sena sa bohlokwa sa lebatowa, ka pheello e kgolo ya ho kengwa tshebetsong ditharollo tsa Seboka le ho matlafatsa kopano e yang ka leano ya lebatowa.
Ho sa le jwalo re tla ntlafatsa nyalano ya SADC le Common Market of East and Southern Africa (COMESA) le East African Community (EAC). Tshebetso tsena di tla etswa bakeng sa ho atoosa ho ena le ho fokodisa dikamano tse re nang le tsona ka hara Southern African Customs Union (SACU).
Nakong ena re rata hape le ho lebisa ditebohiso bathong le ho baetapele ba Zambia, Ghana le United States of America bakeng sa dikgetho tse bontshitseng ho ba ka nqane ho meedi e menyenyane ya dinaha tsa bona.
Ka mehla re tla leka ho matlafatsa tshebedisano le dinaha tsena ha re ntse re pheelletse ho fihlella ho tla ba hotle bakeng sa batho.
Re lehlohonolo hobane selemong sena re qetella ho keteka dilemo tsa ho qala tse leshome tsa dikamano tsa bodiplomatiki le People's Republic of China. Dilemong tsena tsohle, ho ile ha hlaka ho feta pele hore ho na le molemo o fumanwang ke dinaha tsena ka bobedi ka tshebedisano ya rona.
Re rata hape le ho tiisetsa boitlamo ba rona ba dikamano tseo re bileng le tsona le naha ya Brazil le ya India ka IBSA; mme hape le ho matlafatsa ditlamo tseo naha ya rona e di bopileng le naha ya Russia, le dinaha tsa Asia, Middle East, ekasitana le Latin le North America.
Ka makgetlo a mangata re ile ra hlahisa matshwenyeho a rona ka ho ba teng ha dithulano tse sa feleng tsa Middle East ka kakaretso le Israel le Palestine haholoholo. Re swabile haholo ka dintwa tse sa tswa ba moo le ka tahleho tsa maphelo a batho ka bongata, haholoholo baahi - ho kenyelletswa bana, basadi le maqheku - mme hona re hloka le tsela ya ho ho hlalosa.
Ha ho na tsela ya ho ka dumella ketso tsa mokgwa ona tsa tshenyo le ketso tsa batho ba hlaha. Mme re tshepa hore jwale, maiteko a ntjhafaditsweng a dinaha tsa matjhaba a ho fumana tharollo e sa feleng mabapi le dintwa tsena a atleha, e le hore ma-Israel le ma-Palestina ba fumana kgotso le tshireletso jwalo ka baahisani dinaheng tsa bona.
Ditebohiso tse ikgethang ho mmuso le batho ba Cuba ha ba keteka sehopotso sa dilemo tse 50 tsa ho fihlela boipuso ba bona, le tokoloho ya ho kgetha tsela eo e leng ya bona ya ntshetsopele.
Selemong se fetileng re kgonne ho phetha ditherisano le European Union ka tshebedisano ya rona e yang ka leano, mme re tshepa hore moya o neng o rena ditherisanong tseo o tla hlahella jwalo ka ha re qetella ditherisano tsa Ditherisano tsa Tshebedisdano Moruong le dinaha tsa lebatowa.
Re shebile ho ntshetsa pele mokgwa wa ho matlafatsa tshebedisano ena ha re tla be re amohela Seboka sa South Africa-EU ha morao selemong sena.
Mmoho le dinaha tse ding tsa ka Borwa re tla tswela pele ho latela tshebetso ya tlhophiso botjha ya Matjhaba a Kopaneng, International Monetary Fund le ditheo tse ding tse fapaneng hore di bontshe lefatshe le fetohileng mme le sebetsang hara demokerasi, le ka tsela e lekanang hape e pepeneneng.
Re itlama hape le ho fihlela maikemisetso a ditumellano tsa matjhaba, ho kenyelletswa le Kyoto Protocol mmoho le tse latelang bakeng sa molemo wa meloko ya nakong e tlang hara batho ba habo rona le batho ba lefatshe.
Sa bohlokwa mabapi le maiteko a rona ke metheo e mebedi ya bohlokwa: tlhokeho ya hore re phethe thomo e fuweng mmuso ona ka 2004 le bohlokwa ba ho etsa bonnete ba hore mmuso o tla kena ka mora dikgetho o fumana kalana e seng e le malalalaotswe bakeng sa ho kenya tshebetsong mananeo a ona ntle le tieho.
Dikgweding tse mmalwa tse tlang, ho tla ya ka dikgetho tsa naha le tsa diprovense, re tla leka ka matla ho phetha thomo eo.
ho thusa tshebetso ena eo sepheo sa yona e leng ho matlafatsa mekgwa ya ho sebetsana le ditaba tsa tekano ya bong jwalo ka boemedi ba 50/50 dibopehong tse etsang diqeto, ntshetsopele ya batjha, ditokelo tsa batho ba qhwadileng le ditokelo tsa bana - ho kenyelletswa le ho phetha ditherisano tse mabapi le Pholisi ya Naha ya Batjha, ho lokisetsa ho kengwa tshebetsong ha Tjhata ya Batjha ya Afrika hang ho ba e sebetswe ke Palamente, le ho hloma Ejensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha, ho romelwe Prothokholo ya SADC e mabapi le Bong le Ntshetsopele Palamenteng; ho tiiswe boemedi mabapi le ditokelo tsa batho ba qhwadileng, mme ho atoloswe palo ya bomasepala ba hlommeng di-Focal Point tsa Ditokelo tsa Batjha ho ba ka hodimo ho 60% ya ha jwale.
Hona mmoho le mananeo a rona, ho kenyelletswa le Dintho tse ka Hodimodimo Lenaneng la tse Lokelwang ho Etsuwa tse ileng tsa hlwauwa Puong e mabapi le Maemo a Naha Hlakola selemong se fetileng, ho bopa motheo wa maiteko a rona a ho phetha thomo e tsebahalang le ho hloma motheo wa nakong e tlang.
Re tla matlafatsa maiteko a rona re susumetswa ke mafolofolo, tshepo le ho sebetsa ka matla ha batho ba Afrika Borwa jwalo ka ha ba pheelletse ho fihlela ho hotle ho rona bohle. Hona, mme hona haholo, ke hona ho leng mohlodi wa tshepo ya rona ha re re naha e botjwa ke puso e ntle. Demokerasi ya rona e sebetsa hantle haholo. E ntse e hola butle.
Ke a leboha.
<fn>StateoftheNation.2010.2010-05-24.st.txt</fn>
Dumelang, molweni, goeienaand, good evening, dumelang bohle lapeng!
Re thabela ho ba le lona bosiung bona ba bohlokwa hakana.
Ke eme ka pele ho lona bosiung bona, dilemong tse 20 ho tloha ha Mopresidente Nelson Rolihlahla Mandela a ne a tswa kgolehong.
Re kgethile letsatsi lena e le la ho bitsa Palamente ya Kopanelo ho etsa puo e mabapi le Maemo a Setjhaba, ho keteka motsotso ona wa bohlokwa o fetotseng naha ya rona.
Ho lokollwa ha Madiba ho tlisitswe ke boitseko bo matla ba batho ba Aforika Borwa. Batshwaruwa ba dipolotiki ba mehleng le mekaubere e teng kwano e bile dipaki tsa seo hobane e ne le karolo ya taba eo.
Le tla hopola e le ka nnete hore boholo ba batho naheng ena, ka mekgahlelo e fapaneng, bo ile ba arabela ka maikemisetso kgoeletso ya ho hlokisa naha botsitso le ho etsa bonnete ba hore kgethollo ha e sebetse.
Re keteka letsatsi lena le batshwaruwa ba mehleng ba dipolotiki bao re ba memmeng ka ho ikgetha hore ba be le rona.
Re amohela ka ho ikgetha ba tswang mose hore ba be le rona mona, Helene Pastoors, Michael Dingake wa Botswana, Monghadi Andimba Toivo ya Toivo wa Swapo ya Namibia.
Re thabetse hore ditho tsa moifo wa molao wa nyewe ya Bohlabaphio ya Rivonia di be le rona; Lord Joel Joffe, ya seng a ahile London le Moahlodi Arthur Chaskalson.
Hape re hopola le ho lebisa hlompho ho Mongahadi Harry Schwarz, ya hlokahetseng beke e fetileng.
Hara ditho kaofela, e ne e le setho sa moifo wa tshireletso wa nyewe ya Rivonia.
Re isa diteboho ho metswalle le bomphato ba matjhabeng, bakeng sa ho thusa ntweng ya rona ya ho fihlella tokoloho.
Re isa kamohelo e ikgethang ho lelapa la ha Mandela.
Lelapa lena e bile letshwao la ho intsha sehlabelo ho bohle ba utlwileng bohloko ka kgethollo. Re isa madume ho boetapele ba mokga o busang le bomphato ba bona, bao ho bona morero ono e leng wa bohlokwa ka tsela e ikgethang.
Letsatsing lena le ikgethang, re boetse re lokela ho ananela nyehelo ya boetapele ba National Party, bao qetellong ba ileng ba lemoha hore kgethollo ha e na bokamoso.
Ntumelleng hore ke hlahise karolo e bapetsweng ke Mopresidente wa mehleng PW Botha.
Ke yena ya qadileng dipuisano ka kgonahalo ya ho lokolla batshwaruwa ba dipolotiki. Mopresidente Botha o sebeditse le Letona la Mehleng la Toka, Monghadi Kobie Coetzee, ya neng a thuswa ke Ngaka Neil Barnard le Mr Mike Louw.
Ba bapetse karolo ya bohlokwa tseleng e neng e isa tokolohong ya Madiba.
Aforika Borwa e sa ntse e tla ananela ka botlalo, karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke Moporesidente wa mehleng wa ANC, wa Mphato Oliver Tambo, ya entseng motheo wa hore naha ena e be mohlala o motle wa tokoloho le demokerasi.
Ke boetapele ba hae bo hlwahlwa, tjhebelopele le pono e hlakileng tse entseng hore ANC e matlafatse tsela ya ditumellano tsa ditherisano.
Bohlale ba hae bo bonahetse tumellanong ya Harare, eo a e ngotseng le ho e etella pele.
Sena ke sona se entseng motheo bakeng sa phatlalatso e entseng histori ya Mopresidente FW de Klerk, dilemong tse 20 tse fetileng.
Ka sena, Mopresidente de Klerk o bontshitse sebete le boetapele bo hlwahlwa.
Letsatsing lena le le holo, e re ke boele ke ananele karolo e bapetsweng ke mofu Mofumahadi Helen Suzman. Ke ka nako e telele, e le lentswe la hae feela palamenteng, le neng le lwanela diphethoho.
Re boela re ananela karolo ya Moetapele wa Inkatha Freedom Party, Morena Mangosuthu Buthelezi, eo le yena a lwanetseng ho lokollwa ha Madiba, le tokoloho ya batshwaruwa ba bang ba dipolotiki le ho kgutla ha babalehi ba dipolotiki.
Re sa boela re phetha ho leboha ho tloha botebong ba dipelo tsa rona ba dinaha tsa matjhabeng bakeng sa tshehetso ya bona e sa thekeseleng ntweng ya rona.
Dinako tsena tsa histori ya rona di bontsha bokgoni ba rona ba ho ipopa, le ka tlasa mathata a maholo, le ho beha ditabatabelo tsa naha ka pele ho ditabatabelo tse ding tsohle.
Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Selemong sena se hodimo, re tla tshwaya dilemo tse lekgolo tsa ho thehwa ha Kopano ya Aforika Borwa, e thehilweng ka 1910.
Sena se ile sa tswala mmuso o kopaneng.
Sa bohlokwa ke hore, ho qhelelwa ka thoko ha batho ba batsho. Kopanong ena e bile le leng la mabaka a maholo a hore Mokgatlo wa African National Congress o thehwe ka 1912.
Ha re tla be re tshwaya dilemo tsena tse lekgolo selemong sena, re lokela ho thuhisa le ho hopola tsela eo re e tsamaileng jwaleka naha.
Ke eme ka pele ho lona, e seng jwaloka moporofeta empa jwaloka mosebeletsi ya ikokobeditseng wa lona, setjhaba.
Boikitlaetso ba lona bo se nang ho lekanngwa ke bona bo entseng hore ke be mona kajeno.
Ha ho le jwalo, ke beha dilemo tse setseng tsa ho phela ha ka matsohong a lona.
Mantswe ana a re kgothatsa hore re se ke ra phomola ho fihlela re fihlella ditabatabelo tsa ho ba setjhaba se lokolohileng bofumeng le bohloking.
Dilemong tse mashome a mabedi e sa le Madiba a lokollwa, naha ya rona e fetohile haholo.
opresidente Mandela o kopantse naha ena ka sepheo sa ho re e hloke kgethollo ka bong, ka botjhaba, mme e be naha ya demokerasi le Aforika Borwa e tswetseng pele.
Kajeno ha re keteka tokoloho ya Madiba, ha re itlameng hore re tla aha bokamoso bo betere bakeng sa maAfrika Borwa oohle, ba batsho le ba basweu.
Ha re latelleng toro ena ya Madiba ya e lwanetseng bophelo ba hae bohle, toro ya setjhaba sa demokerasi se lokolohileng , moo batho ba phelang mmoho ka kutlwano le menyetla e lekanang.
Re bitsitse kopanelo ena ya palamente bosiu hore bongata ba batho ka naheng, basebetsi le bana ba dikolo, e be karolo ya morero ona.
Re kgahlisitswe ke morolo o bontshitsweng ke batjha ka morero ona. Bana ba 206 ba tswang diprovenseng tsohle ba bile teng dingangisanong tsa mantlha tse etellang pele puo e mabapi le Maemo a Setjhaba bakeng sa karolo eo batjha ba ka e bapalang twantshong ya bofuma.
Re thoholetsa mohlodi wa kakaretso, Charlotte Le Fleur wa Worcester Secondary School, le ba nka karolo bohle bakeng sa tshebetso e matla.
Re kopana kamorao ho maemo a thekeselang a moruo wa lefatshe.
Ngwahola, re bile le maemo a mabe a moruo lekgetlo la pele dilemong tse 17. Maemo ana a mabe a moruo a entse hore re lahlehelwe ke mesebetsi e 900 000.
Boholo ba bao ba lahlehetsweng ke mesebetsi e ne e le bona ba jereng malapa a futsanehileng.
Selemong se fetileng ka Hlakola, mmuso, dikgwebo, baemedi ba basebetsi le baahi ba ile ba dumellana ka sehlopha sa mekgwa ya ho fokotsa sekgahla sa maemo ana a mabe a moruo.
Re kentse bongata ba mekgwa ena tshebetsong.
Re kentshe tshebetsong mekgwa e matla kgahlanong le maemo a mabe a moruo jwaloka mmuso ka ho kgina metheo ya setjhaba.
Bakeng sa ho bebofatsa mathata a bafutsanehileng, re potlakisitse ho nyollwa ha ditjhelete tsa letlole la thuso la tshehetso ya bana, mme ra eketsa dilemo tsa bana ba lokelang ho fumana tshehetso ya tjhelete ya thuso ka ho kenyeletsa le bana ba dilemo tse ka hodimo ho tse 14. Dilemong tse tharo tse tlang, bana ba tlatsetso ba dimilione tse pedi ba tswang malapeng le matlong a futsanehileng, ba dilemo tse 15 ho ya ho 18, ba tla una molemo letloleng la thuso ya tshehetso ya bana.
Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e beheletse ka thoko dibilione tse tsheletseng tsa diranta ho thusa dikhamphani tse tlokotsing.
Mmuso o tlile ka leano le bitswang "sekema sa thupello" bakeng sa ho fa basebetsi nako ya kwetliso ho na le hore ba fokotswe mosebetsing.
Mekutu ena e ile ya phahamiswa ke Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba la rona.
Setjhaba se tla hopola hore Puong ya Maemo a Setjhaba ka 2009, ke ile ka tsebisa hore Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi le tla hlahisa menyetla ya mesebetsi e 500 000 ka Tshitwe 2009.
Ena ke menyetla ya mesebetsi e hlahisitsweng ho fana ka menyetla ya mosebetsi ho batho ba sa sebetseng hore ba be le lekeno la tjhelete, le hore ba thole boiphihlelo le menyetla ya thupello.
Re thabela ho tsebisa hore mafelong Tshitwe, re hlahisitse menyetla ya mesebetsi e 480 000 ya mesebetsi ya setjhaba, seo e leng 97% ya seo re neng re se rerile.
Mesebetsi ena e dikarolong tse kang tsa ho aha, tlhokomelong tsa malapa le tsa baahi, le diporojekeng tsa tikoloho.
Re hlwaile dibaka tse itseng tsa ntlafatso, tseo re tla sebetsanang le tsona ho ya pele ho kenyeletsa le diporojeke tse batlang basebetsi ba bangata.
Re ya tseba hore tsena le mekutu e meng di ke ke tsa lwantshana le sefutho sa ikonomi e putlameng.
Re lebohela moya o motle wa lelapa, boahi le mosebetsi wa boithaopi o bontshitsweng ke batho ba ba ngata bakeng sa ho thusa bao ba anngweng ke tlokotsi ena, hara dinako tsena tse boima.
Matshwao a ikonomi a bontsha hore re batla re bona ntlafalo ya maemo.
Maemo a ikonomi a a ntlafala Aforika Borwa, mme re lebeletse kgolo ya moruo ho ya pele.
Dipalopalo tsa basebetsi tse lokollotsweng ka Labobedi, di bontsha hore ha jwale ikonomi e hlahisa mesebebetsi ho fapana le ho e fokotsa.
Le ha ho le jwalo, e sa le kapele haholo hore re ka netefatsa sekgahla seo ikonomi e nyolohang ka sona.
Mmuso le ha ho le jwalo o ke ke wa hula mekutu ya ona ya tshehetso. Jwale ke nako ya ho etsa motheo bakeng sa kgolo e matla ho ya pele, le kgolo e tla tswala mesebetsi e mengata.
Lenaneo la rona la nako e telele la motheo wa setjhaba le tla re thusa ho hola ka potlako.
Thuto ya rona le mananeo a bokgoni di tla phahamisa tlhahiso le hlodisano.
Leano la rona la Tshebetso ya Indaseteri le ho tsepamisa maikutlo ho mesebetsi e bolokehileng ya temo bakeng sa tikoloho, di tla aha dindaseteri tse ngata le tse matla bakeng sa ho hohela basebetsi. Lenaneo la rona la ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le tla ntlafatsa tlhahiso ya mahaeng, le maphelo a baahi ba metseng ya mahae.
Seo e leng sa bohlokwa mawaleng a rona a ho hodisa le ho tsoseletsa moruo, ke lenaneo la rona la ho tsetela meahong.
Dilemong tse tharo tse tlang, mmuso o tla sebedisa dibilione tse R846 hodima metheo ya setjhaba. Bakeng sa dipalangwang, re tla boloka mebila ya rona maemong a matle le ho atolosa marangrang a ditsela tsa rona. Re tla netefatsa hore marangrang a rona a seporo sa terene ke a tshepahalang, a maemong a hlodisano mme a hokahantswe betere le maemakepe a rona.
Ho netefatsa phano e tshepahalang ya motlakase, re theile Komite ya Kahare ya Matona e shebaneng le matla a motlakase ho hlabolla leano la dilemo tse a 20 la mehlodi e kopanetsweng.
Hara tse ding, sena se tla shebana ho nka karolo ha bahlahisi ba ikemetseng ba matla a motlakase, le ho tshireletsa bafutsana kgahlanong le ditjeo tse phahameng tsa motlakase. Re tla theha mohlahisi ya ikemetseng, ya se nang kopano le Eskom Holdings. Eskom e tla tswelapele ho aha keketseho ya ho fehla motlakase le ho ntlafatsa paballo ya diteishene tsa motlakase. Bakeng sa ho ntshetsapele ikonomi e kenyeletsang ho thusa kgolo le ntshetsopele, re thehile Lekgotla la ho Matlafatsa Batho ba Batsho Ikonoming ka ho Phatlalla, leo modulasetulo wa lona e leng Mopresidente.
Se potlakileng haholo ke hore ho tsepamiswe maikutlo ho fetoleng leano ka ho kena ka setotswana ho hlahiseng mesebetsi bakeng sa batjha.
Sekgahla sa ho hloka mosebetsi batjheng ba rona se hodimo haholo ho palohare. Ditshisinyo di tla behwa tafoleng bakeng sa ho tshehetsa ka ditjhelete ditjeo tsa ho hira basebetsi ba batjha dilemong, bakeng sa ho kgothaletsa difeme ho hira batho ba se nang boiphihlelo. Ho na le mananeo a mang a katoloso ya ho hirwa ha setjhaba a leng tseleng. Sena se kenyeletsa motheo wa tsa lehae le diporojeke tsa thuto e phahameng le diporejeke tsa ho ithuta ho bala, tlhokomelo ya lapeng, paballo ya dikolo le merero ya ntshetsopele ya bana.
Selemong se fetileng re thehile Boemedi ba Naha Ntshetsopeleng ya Batjha.
Re laetse lekala lena ho sebetsa ka potlako bakeng sa ho theha makala a lona, naheng ka bophara, hore le re thuse ho sebetsana le ho phethahatsa mananeo a ntshetsopele ya batjha ka hara mmuso.
Ha mmuso ona o ne o kena kantorong selemong se fetileng, re itlamme ho menahanya boikitlaetso ba rona ba ho aha mmuso o matla o tswelang pele. Re itse e tla ba mmuso o arabelang ditlhoko le ditakatso tsa batho, le o sebetsang betere le ka potlako. Selemo sena, e leng 2010, e tla ba selemo sa ho sebetsa. Seo e tla ba sesupo se hlalosang tsamaiso ena e tla ba hore e tseba moo batho ba dulang, e utlwisisa ditlhoko mme e arabela ka potlako. Mmuso o lokela ho sebetsa ka potlako, haholo le ka makgethe.
Re tla lebella hore Bookamedi le Tshebeletso ya Setjhaba di ipapise le pono ena. Re aha mmuso o tsepamisitseng maikutlo tshebetsong, ka ho ntlafatsa meralo le ho beha tshebetso leihlo le ho e hlahloba.
Re boetse re lokela ho hokahanya mekgwa ya tekatekano ya bong ho Lenaneo la Mmuso la Tshebetso. Mohato ona wa tshebetso o tla netefatsa hore basadi, bana le batho ba nang le boqhwala ba kgona ho fihlella menyetla ya ntshetsopele.
Re thabela ho phatlalatsa tsela e ntjha ya ho etsa dintho mmusong.
Mosebetsi wa mafapha o tla methwa ka diphetho, o tla ntshetswa pele ke tsela ya rona ya ho beha leihlo tlhatlhobo. Matona a ikarabellang bakeng sa sephetho se itseng, a tla tekena tumellano ya ho fana ka ditshebeletso e tebileng le Mopresidente. E tla hlalosa se lokelang ho etswa, hore se etswe jwang, ke mang, bakeng sa nako e itseng mme ho sebediswa mokgwa ofe wa ho metha le mehlodi.
Jwaloka ha le hlokomela, re itlamme ka dintlha tse hlano tse ka sehlohlolong: thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ya metse ya mahae le ntjhafatso ya naha, tlhahiso ya mesebetsi e itseng tjha, le twantsho ya botlokotsebe. Ho tlatseletsa, re tla sebetsa ka matla ho ntlafatsa tshebetso e tswileng matsoho ya mmuso wa lehae, ntshetsopele ya metheo ya setjhaba le bodulo ba batho. Re tla itlama ka ho etsa diketso tse mmalwa tsa bohlokwa hore re fihlelle diphetho tsena.
Re beile thuto le ntshetsopele ya bokgoni bohareng ba maano a mmuso ona. Lenaneong la rona la 2010, re batla ho ntlafatsa bokgoni ba bana ba rona ba ho bala, ho ngola le ho etsa dipalo dilemong tsa motheo. Ntle le hore re etse sena, re keke ra ntlafatsa boleng ba thuto. Maikemisetso a rona ka thuto a bonolo empa a hlokolotsi.
Re batla barutwana le matitjhere ba be sekolong, ka phaposing, ka nako, ba ithuta le ho rutwa bakeng sa dihora tse supileng ka letsatsi. Re tla thusa matitjhere ka ho ba neha boitokisetso ba letsatsi le letsatsi bo tebileng.
Bakeng sa barutwana, re tla nehelana ka dibuka tse tla sebediswang ha bonolo ka dipuo tsohle tse 11. Ho tloha selemong sena ho ya pele, barutwana bohle ba kereiti ya boraro, ya botshelela le ya bo robong ba tla ngola dihlahlobo tsa litherasi le nyumerasi tse lekotsweng ka boikemelo. Sepheo sa rona ke ho nyolla sekgahla sa ho pasa bakeng sa ditlhatlhobo tsena ho tloha palohareng ya hona jwale 35% le tse 40% ho ya ho tse 60% ka 2014. Sephetho se tla romellwa batswadi ho lekola tswelopele.
Ho tlatseletsa, sekolo ka seng sa tse 27 000 tsa rona di tla hlahlojwa ke bahlanka ba tswang Lefapheng la Thuto ya Motheo. Sena se tla behwa tlalehong e ngotsweng e hlahlobehang. Re rerile ho nyolla palo ya barutwana ba materiki ba lokelang ho kena yunivesithi ho fihla ho 175 000 ka selemo ho ya ho selemo sa 2014.
Re kgothaletsa batswadi ho sebetsa mmoho le rona ho atlehisa morero ona. Re amohela peho ya kgwedi e fetileng e entsweng ke mekgatlo e meraro ya matitjhere, NAPTOSA, SADTU and SAOU, ka ho thatiselletsa boitlamo ba bona bakeng sa Letsholo la Boleng ba ho Ithuta le ho Ruta ho tloha qalong ya 2010.
Re lokela ho tsetela batjheng ba rona ho netefatsa hore re na le lebotho le rupelletsweng le basebetsi ba nang le bokgoni bakeng sa ho tshehetsa kgolo le tlhahiso ya mesebetsi. Ha ho le jwalo, re ikemiseditse ho nyolla thupello ya ba dilemong tse 16-25 ditsing tsa thuto le thupello e tswellang.
Sena se tla etsa hore re fane ka monyetla wa bobedi thutong, bakeng sa barutwana ba sa fihlellang ho kena yunivesithi. Re sebetsa le ditheo tsa thuto e phahameng ho netefatsa hore barutwana ba lokelang ba fumana thuso ya ditjhelete, ka Sekema sa Setjhaba sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete. Re bile re ipehetse dipheo bakeng sa ntshetsopele ya dithupello, ho hlahisa dienjenere le boratekgeniki ba tlatsetso, le ho eketsa lenane la matitjhere a thuto ya dipalo le Saense.
Hapehape re loketse ho phahamisa lenane la batjha ba kenelang dithupelo tsa mosebetsi mafapheng a poraefete le a mmuso. Sephetho se seng sa bohlokwa ke ho netefatsa bophelo bo bo lelele le bo botle bakeng sa maAforika Borwa kaofela. Re tla phehella ho ntlafatsa mokgwa wa rona wa tsa bophelo bo botle.
Sena se kenyelatsa kaho le ntlafatso ya dipetlele le ditliliniki, le ho ntlafatsa maemo a tshebetso a basebeletsi ba tsa bophelo. Re imatahantse le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa ho ntlafatsa tshebetso ya dipetlele tsa setjhaba le diofisi tsa tsona tsa ditereke. Re bile re sebetsa mmoho le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri, lenaneong la mmuso la ho matahanya tshebedisano mahareng a mekgatlo ya poraefete le ya mmuso bakeng sa ho ntlafatsa dipetlele le phano ya ditjhelete bakeng sa diporojeke.
Re lokela ho tobana le nnete ya hore tebello ya nako ya ho phela ha masea a hlahang, e theohile ho tloha dilemong tse 60 ka 1994 ho ya ka tlasenyana ho dilemo tse 50 kajeno. Ha ho le jwalo re etsa boitshunyako ba ho theola sekgahla sa ho shwa ha bomme ba masea ho fokotsa tshwaetso tse ntjha tsa HIV le ho phekola HIV le TB ka ho phethahala.
Re tla boela re fokotsa ho shwa ha masea ka lenaneo le matla la kentelo. Re tla tsoseletsa mananeo a bophelo bo botle dikolong. Re tla kenya tshebetsong boitlamo bohle bo entsweng ka Letsatsi la Lefatshe la AIDS tse amanang le mekgwa e metjha ya ho thibela HIV le ho e phekola. Mosebetsi o matla o se o le motjheng bakeng sa ho netefatsa hore mosebetsi oo o nakong. Re tla boela re tswela pele ka boitokisetso ba ho theha tsela ya setjhaba ya inshorense ya bophelo bo botle.
Re sebetsa ka thata ho netefatsa hore motho e mong le e mong a ikutlwe a bolokehile le hore o bolokehile ka hara Aforika Borwa. Re tla ntshetsapele mosebetsi wa rona wa ho fokotsa ditlolo tse mpe le tse nang le merusu tsa molao, le ho netefatsa hore tsela ya rona ya toka e sebetsa ka ho phethahala. Re ntse re kenya tshebetsong meralo ya ho eketsa lenane la mapolesa a banna le basadi ka 10% dilemong tse tharo tse tlang.
Re hlwaile ntwa kgahlanong le ho nkelwa dikoloi ha batho ka mahahapa, tlatlapo ya ditsha tsa kgwebo le matlong, mmoho le ditlolo tsa molao tse jwaloka polao, peto le ho otlwa, e le tsona tse ka sehlohong. Bohle re na le karolo eo re lokelang ho e bapala. Ha re beng karolo ya diforamo tsa baahi tsa polokeho. Ha re tloheleng ho reka thepa e utswitsweng. Ka dinako tsohle ha re beng malala a laotswe ho fana ka tlhahiso leseding ya diketso tsa botloko tsebe sepoleseng. Tshebedisano mmoho etla lwantsha botloko tsebe.
Baheso le baeti ba hlomphehang, mmuso wa lehae o lokela ho sebetsa. Bomasepala ba lokela ho ntlafatsa phano ya matlo, metsi, tlhweko, motlakase, taolo ya matlakala le ditsela. Re ile ra tshwara kopano le bomajoro le balaodi ba bomasepala selemong se fetileng. Sena se fane ka lesedi la bohlokwa bakeng sa diphephetso tse teng ka hara mmuso wa lehae. Re ile ra boela ra etela baahi le bomasepala ba fapaneng, ho kenyeletsa Balfour e Mpumalanga le Thembisa e Gauteng. Kamora leeto la Balfour, re ile ra romela moifo wa matona a robong ho etela tulo eo ho shebana le dintlha tse hlahisitsweng ke baahi. Dintlha tse ngata ho se ho mekamekanwe le tsona.
Ke laetse matona ho mekamekana le ditaba tse ntseng di saletse morao. Re sa boela re phetha hore ha hona dingongoreho tse ka etsang hore batho ba etse merusu le ho senya thepa. Re laetse makala a tsa molao hore a lwantshe ho hloka taolo ka matla Balfour le ditulong tse ding. Ka Tshitwe 2009, Kabinete e dumellane ka lewa la tshebetso bakeng sa mmuso wa lehae. Sena se tla netefatsa hore mmuso wa lehae o na le the bolaodi bo hlwahlwa, bokgoni ba tsamaiso le ba botekginiki.
Selemong sena sa tshebetso, ha re sebetseng mmoho ho etsa hore mmuso wa lehae e be boikarabelo ba rona kaofela. Re sebeletsa ho ntlafatsa bodulo le ho fana ka ditshebeletso bathong ba mekhukhu e dutseng tulong tse hantle tse hlwahlwa le ho fana le ditokelo tsa naha ho bonyane matlo a 500 000 ka 2014. Re rera ho behella ka thoko dihektare tse 6 000 tsa Naha e dutseng hantle bakeng sa ba amohelang meputso e tlase le matlo a kgonehang.
Ntlafatso e ntjha ya bohlokwa e tla ba ho kenyeletsa batho bao meputso ya bona e phahameng haholo ho re ba ka fumana ditshehetso tsa mmuso, empa ba amohela tjhelete e tlase hore ba ka fumana kadimo bankeng.
Re kenya mokgwa wa letlole la tiisetso la R1 bilione ho kgothaletsa dibanka tsa poraefete le lekala la matlo, ho kgakola dihlahiswatse ntjha tse tla shebana le tlhoko ya bodulo.
Selemong se fetileng re itse, batho ba mahaeng le bona ba na le tokelo ya ho ba le motlakase, metsi, matlwana a tsamaiswang ka metsi le ditsela.
Ra re ba tshwanetse ho ba le ditsi tsa boikgathollo le dipapadi hammoho le ditsi tsa mabenkele tse jwaloka tse metsemeholong.
Tabeng ena, re kgakotse setsha sa pele sa teko sa Lenaneo le Phatlaletseng la Ntshetsopele ya Mahae Giyani, Limpopo, ka Phato selemong se fetileng. Ho tloha ka nako eo, matlo a 231 a ahilwe.
Tswelopele e se e entswe bakeng sa ho fana ka motheo wa setjhaba ho tshehetsa ntshetsopele ya temo, le kwetliso bakeng sa baahi. Phumantsho ya ditsha tsa bophelo bo botle le thuto di ntlafetse. Re kenya tshebetsong mananeo a tshwanang le lena ditsheng tse supileng ho phatlalla le naha, mme di tswela molemo diwate tse 21.
Ka 2014, re ikemiseditse ho ba le ditsha diwateng tse 160. Re batla hore 60% ya malapa ditsheng tsena di kgone ho mekamekana le ditlhoko tsa dijo ho tswa tlhahisong eo ba iketseditseng yona ka 2014.
Hanyane hanyane ho tla loka, hantlentle baheso, ho thwe dintho tse kgolo di qala hanyane.
Re boetse re hloka ho kopanya betere ntlafatso ya lefatshe le mananeo a tshehetso ya temo. Katleho ya rona tabeng ena e tla methwa ka keketseho ya lenane la borapolasi ba ba nyenyane ba atlehang moruong.
Ha re naha e ruileng ka metsi. Empa, re ntse re lahlehelwa ke metsi a mangata ka dipeipi tse dutlang le motheo wa setjhaba o sa tsepamang. Re tla tla ka mekgwa ya ho fokotsa tahlehelo ya metsi ka halofo ka 2014.
Jwaloka ka karolo ya rona ya ho etsa mekutu ya ho kgothaletsa kgolo e matla ya moruo, re shebile ho fokotsa ditjeho tsa ho hokahana. Setjhaba sa maAforika Borwa se ka labella phokotso e nngwe e phatlaletseng ya sekgahla sa ditjeho tsa, diselefouno, mehala ya ka malapeng le ya setjhaba. Re sebeletsa ho eketsa lebelo la dikgokahanyo tse phatlaletseng le ho netefatsa maemo a hodimo a tshebeletso a inthanete, re ipapisitse le maemo a matjhaba.
Mmuso ona otla netefatsa hore thepa ya rona ya tikoloho le mehlodi ya tlhaho di tshireleditswe hantle, mme di dula di ntlafatswa.
Rona mmoho le Brazil, India le China, mmoho le United States, e emetse dinaha tsa lefatshe tse tswetseng pele, re kentse letsoho tumellanong e ananetsweng Kopanong ya ho Feto fetoha ha Tlelaemete ya Copenhagen ka Tshitwe selemong se fetileng.
Le ha e sa tsamaya ka tsela eo re ne re rata ka yona, ke mohato wa bohlokwa ho ya pele hobane e tlama dinaha tsohle ho arabela tabeng ya ho feto fetoha ha tlelaemete. Re tla sebetsa ka matla le bomphato ba rona ba matjhabeng bakeng sa tumellano e re tlamang bohle ka molao. Jwaloka Aforika Borwa, re itlamme ka boithaopi ho fihlella dintlha tse itseng tse tobaneng le ho ntshwa ha mosi, mme re tla tswela pele ka mawala a rona a nako e telele a ho lwantsha ho fetofetoha ha tlelaemete.
Re tla matlafatsa mekutu ya rona ya ho to ntshetsa pele ditabatabelo tsa Aforika Borwa lefatsheng ka bophara.
Re tla tshehetsa mekutu ya ho potlakisa kgokahanyo ya dipolotiki le ikonomi ya lebatowa la SADC, le ho ntshetsa pele kgwebo le matsete a kopanelo ka lebatowa. Aforika Borwa e tswela pele ho bapala karolo ya boetapele mekutung ya kontinente ya ho matlafatsa Kopano ya Aforika le dikarolo tsa yona, le ho sebeletsa bonngwe. Re tla tsepamisa matla a rona bakeng sa ho tsoseletsa Selekane se Setjha Bakeng sa Ntshetsopeleng ya Aforika, e le leano bakeng sa ntshetsopele ya moruo ka hara kontinente.
Tshebeletso ya Setjhaba e lokela ho arabela kgoeletso ya ho etsa sehla sena sa tshebetso e potlakileng le tshebetso e ntlafetseng ya mmuso. Re batla tshebetso e tswileng matsoho le ho sebetsa ka thata. Re hloka basebeletsi ba setjhaba ba itetseng, ba nang le bokgoni le ba kgathallang ditlhoko tsa baahi. Mmuso o se o sebetsana le ntshetsopele le ho kenya tshebetsong lenaneo la ntshetsopele ya tshebeletso ya setjhaba, le tla beha leihlo boitshwaro le maemo bakeng sa basebeletsi ba setjhaba mafapheng ohle.
Re tswela pele ka mekutu ya rona ya ho fedisa bobodu le boqhekanyetsi ha ho rekwa thepa ya mmuso le phano ya dithendara, le dikopong tsa mangolo a ho kganna, ditjhelete tsa dithuso ya setjhaba le mangolo a boitsebiso, hara tse ding. Re thabetse tswelopele eo mmuso o e etsang dibakeng tse ding. Bekeng ena, re fedisitse ditefello tse 32 687 tsa boqhekanyetsi ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba, tse etsang dimilione tse R180. Komiti ya rona ya Kopanelo ya Matona bakeng sa Bobodu e batlana le ditsela tsa ho hlola bobodu ka ho phethahala. Ha re sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Jwaloka ha le hlokomela, re butse Mohala o Kgethehileng wa Mopresidente ho etsa hore setjhaba se fihlella Ofisi ya Mopresidente ha bonolo, le ho thusa ho tlosa dithibelo tsa phano ya ditshebeletso. Mohala o kgethehileng o bontsha maikemisetso a mmuso ho etsa dintho ka tsela e fapaneng. O entse phapang maphelong a maAforika Borwa a ma ngata.
Re ka qolla mofumahadi Buziwe Ngaleka wa Mount Frere, eo mohala wa hae e bileng wa pele tshebeletsong ena mabapi le pentjhene ya mofu monna wa hae. O teng hara rona bosiung bona. Hara rona re boetse re na le Monghadi Nkululeko Cele, ya ileng a thuswa ho fumana mangolo a boitsebiso, a mo thusitseng ho ingodisa Yunivesithing ya Thekenoloji ya Tshwane.
Tsena ke dipale tse pedi feela tsa katleho ya rona. Ka dintlha le mehlala e meng, re hlwaya bofokodi bo lokelang ho lokiswa ke mafapha a fapaneng a mmuso. Ka thuso ya Sepikara, re memme boemedi ba mekga e mengata ho tswa Palamenteng ho etela setsha sa rona sa mehala, hore Maloko a Palamente a iponele ka mahlo mosebetsi o etswang.
Ke nehelane ka dintlha tse ka sehlohlolong tsa meralo ya rona bakeng sa 2010, boitlamo ba rona ba kopanelo jwaloka mmuso ho batho ba Aforika Borwa. Puo ya Maemo a Setjhaba e fana ka kakaretso e phatlaletseng ya moralo wa rona wa tshebetso. Matona a tla nehelana ka dintlha ka botebo dipuong tsa ona tsa Kgetho ya Ditekanyetso tse fapaneng.
Ditho tse hlomphehileng, maAforika Borwa a heso, ka Pudungwana selemong sena, re tla tshwaya sehopotso sa dilemo tse 150 tsa ho fihla ha maIndia Aforika Borwa. Sena se fana ka monyetla wa ho ananela nyehelo ya bohlokwa ya setjhaba sa maIndia mafapheng a basebetsi, kgwebo, saense, dipapadi, tumelo, bonono, botjhaba le phihlello le tiiisetso ya demokerasi ya rona.
Ha ke nke monyetla ona hore hapehape re fetisetse matshediso a tswang botebong ba dipelo tsa rona ho mmuso le batho ba Haiti ka koduwa e kgolo e ba wetseng. Re thabile haholo hore meifo ya rona ya pholoso e kgonne ho ya thusa. Ke lakatsa ho ananela ka ho ikgetha moAforika Borwa a sa keng a hloleha ho thusa nakong tsa dikoduwa, le ho re thusa ho ntshetsapele pono ya setjhaba se kgathallang. Re amohela Ngaka Imtiaz Sooliman wa Gift of the Givers ka hara ntlo ena kajeno.
Ho tshwara dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA ho etsa selemo sa 2010 e be sa tshebetso e le ka nnete. Re dutse dilemo tse telele re rera bakeng sa Mohope ona wa Lefatshe. Re setse feela ka dikgwedi tse tharo. Mme re ikemiseditse ho atleha. Motheo wa setjhaba, tshireletso le ditlhophiso di motjheng bakeng sa ho netefatsa thonamente e atlehileng.
Jwaloka setjhaba, re lokela ho isa diteboho ho Komiti ya Lehae e Hlophisang 2010 bakeng sa mekutu ya bona e babatsehang. Re lakaletsa Modulasetulo wa LOC, Irvin Khoza, CEO Danny Jordaan le mokwetlisi wa Bafana Bafana, Carlos Alberto Parreira, tsohle tse molemo bakeng sa dikgwedi tse tlang.
Mopresidente Mandela o ne a le bohareng ba ho thusa naha ho hlola ditokelo tsa ho tshwara morero ona o moholo. Ha ho le jwalo re lokela etsa Mohope wa Lefatshe katleho e kgolo bakeng sa ho mo hlompha. Baheso, ha re boeleng re tshehetse sehlopha sa naha Bafana Bafana. Ke e mong wa ba kgolwang hore Bafana Bafana ba tla etsa dimakatso. Seo e leng sa bohlokwa, tekete letsohong baheso! Bohle ha re rekeng ditekete ka nako hore re tsebe ho ya dipapading.
Jwaloka ha re keteka tokoloho ya Madiba kajeno, re itlama botjha bakeng sa poelano, bonngwe ba setjhaba, ho se kgetholle ka morabe le ho aha a bokamoso bo betere mmoho jwaloka maAforika Borwa, ba batsho le ba basweu.
Bophelong ba ka ke iteletse ho lwana bakeng sa batho ba maAforika. Ke lwanne kgahlanong le kgatello ya ba basweu, le ho lwana kgahlanong le kgatello ya batho ba batsho.
E sa le ke na le toro ya setjhaba sa demokerasi le se lokolohileng, moo batho bohle ba phelang mmoho ka kutlwano, le ka menyetla e lekanang. Ke toro eo ke lakatsang ho iphelela, le ho e fihlella.
"Empa ha ho hlokeha, ke toro eo ke ikemiseditseng ho shwa bakeng sa yona".
Ka lebaka la ho kgothaletswa ke Madiba, ke tlhompho ho nna ho etsa puo ena e mabapi le Maemo a Setjhaba ya 2010 ho hopola bahale le bahalehatsana ba rona, ba roriswang le ba sa rorisweng, ba tsejwang le ba sa tsejweng.
Ha re sebetseng mmoho ho etsa selemo sena sa tshebetso se atlehileng bakeng sa naha ya rona.
Ke a leboha.
<fn>StateoftheNationJZuma.2009.2010-05-24.st.txt</fn>
Ka la 22 Mmesa, dimilione tsa maAforika Borwa di ile tsa tswa letsholo ho ilo vouta. Ba ile ba sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi e susumetswang ke tjheseho ya ho fetola maphelo a bona hore a be betere.
Ba tswile ka palo e kgolo haholo, ba tiiseletsa taba ya hore ha batho ba sebedisana ba ka fihlela tse ngata ho lwantsha bofuma mme ba bope bophelo bo betere bakeng sa bohle.
Ba kgothaleditswe ke ponelopele ya ho bopa setjhaba se kopaneng, Aforika Borwa ya bohle ba phelang ho yona, setjhaba se kopaneng le ha se na le diphaphang, batho ba sebedisanang ho fihlela dintho tse ntle bakeng sa bohle.
Re ikokobeditse mme re amohela qeto eo batho ba naha ya rona ba e entseng ho kgetha le ho re fa boikarabelo, batho ba kgethileng puso ya bona ka mokgwa o thabisang haholo.
Setjhaba sa rona se fetile diphephetsong tse kgolo dilemong tse mmalwa tse fetileng.
Re lebohela taba ya hore re na le tsamaiso ya demokerasi ya motheo e sebetsang ka ho phethahala hammoho le diinstitushene tse tsitsitseng le hore re hlola mathata ana habobebe hape ka tlhompho.
Kopano ya kajeno ke mokete o hlakisang hore demokerasi ena e ya sebetsa. E boetse hape e le moo re ketekang setso sa rona sa tswelopele hammoho le boikarabelo bo kopanetsweng.
Sena se pakahatswa ke ho ba teng ha mohale wa rona Madiba ya ileng a beha motheo bakeng sa dikatleho tsa naha ena hammoho le Mopresidente wa mehleng, Thabo Mbeki, ya ileng a hahella hodima motheo oo.
Tswelopele ena e boela e pakahatswa ke hore Mopresidente wa mehleng, Kgalema Motlanthe ha jwale ke Motlatsi wa Mopresidente wa Riphaboliki, kamora diphetoho tse hlokileng masoba mme sena se re etsa naha e kgethehileng ka mekgwa e mengata.
Jwalo ka ha le hlokometse, ntwa mabapi le bofuma e tla dula e le seo puso ya rona e tobaneng le sona.
Re ke ke ra phomola mme ha re a lokela ho lahla tshepo le ka mohla letsholong la rona la ho lwantshana le bofuma.
Ha re ntse re leka ho fihlela maikemisetso ana, puso ya rona e hlwaile dibaka tse 10 tse ka sehlohong tseo e leng tsona tse bopang karolo ya rona ya tshebetso ya Lewa la Nako e Bohareng bakeng sa 2009 ho fihla ka 2014.
Lenaneo lena le kengwa tshebetsong tlasa maemo a ikonomi a thata haholo.
Selemo se fetileng se bontshitse hore lefatshe ka bophara le bothateng ba ikonomi mme ke nako ya tlokotsi e neng e sa lebellwa dilemong tsena tsa jwale tsa boleshome.
Le ha Aforika Borwa e sa ka ya thefuleha haholo jwaloka dinaha tse ding tse mmalwa, ho hlakile hore sefutho sa bothata bona se fihlile ha jwale ikonoming ya rona. Re fihlile moo ikonomi ya rona e phutlamang.
Ho bohlokwa haholo ha jwale hore re sebedisane ho feta pele lenaneong le kopanetsweng ebile le tshwanang ho arabella qakeng ena.
Re nka sena e le ntlha ya rona ya mathomo le ya tshebetso bakeng sa Aforika Borwa ho ikarabella qakeng ena ya ikonomi ya matjhaba mme qeto e nkuwe ke puso, boramesebetsi le kgwebo kgweding ya Hlakola selemong sena. Re tlamehile ho etsa ho hong hona jwale ho fokotsa sefutho sa qaka ena haholo bathong ba bothateng ka ho fetisisa.
Re qadile ho etsa ho hong ho fokotsa tahlehelo ya mesebetsi. Ho na le tumellano ya motheo mahareng a puso le balekane ba setjhaba ho kenya tshebetsong thupelo ha ho fokotswa basebeletsi.
Basebeletsi ba tobaneng le bothata ba ho fokotswa mesebetsing ka lebaka la mathata a ikonomi ba tla bolokwa mesebetsing bakeng sa nako e itseng mme ba rupelwe botjha.
Ditherisano di ntse di tswella ka dintlha tsa tshebetso ka botlalo mahareng a balekane ba setjhaba le diinstitushene tse tla angwa ke letsholo lena le thusang, ho kenyeletswa Bookamedi ba Lekala la Thuto le Thupelo.
Re tla tshehetsa mosebetsi wa Khomishene ya Boahlodi, Bonamodi le ho kena Dipakeng (CCMA) ho thusa boramesebetsi le basebeletsi ho fumana ditsela tse ding tse ka thusang ntle le ho fokotsa basebeletsi ka ho sebedisa ditsamaiso tsa molao tse tshwanetseng.
Mothating wa jwale, bakhomishinara ba CCMA ba sireleditse mesebetsi e fetang dikete tse nne ka mekgwa ya tsamaiso e kenang dipakeng mme ba fana ka dikeletso tse tswellang le tshehetso basebeletsing ba fokoditsweng.
Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e ntshitse lenaneo ho tshehetsa dikhampani tse tlasa kgatello. Re tla etsa bonnete ba hore puso e reka dithoto le ditshebeletso ka bongata hae mona ntle le ho kgesa ditlhodisano tsa kgwebisano le lefatshe ka bophara kapa ntle le ho phahamisa ditheko ho di beha mehatong e hodimo ka tsela e sa amoheleheng.
Ho hahella hodima dikatleho tsa leano la diindaseteri la ho kena dipakeng, ho tla hlahiswa Moralo wa Leano la Tshebetso la Diindaseteri.
Makala a ka sehlohong a seng a ntse a hlwailwe ke la makoloi, dikhemikhale, tlhahiso ya tshepe, bohahlaodi, diaparo le masela hammoho le merero ya meru. Ho tlatseletsa, ho tla boelwa ho shebanwa le ditshebeletso tsena, tlhahiso e bobebe le kaho hara tse ding, sepheo e le ho hlahisa mesebetsi e phethahetseng.
Jwaloka karolo ya Bohato ba 2 ba Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi ya Mmuso Setjhabeng, ho tla potlakiswa Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba.
Le fana ka mohato o tlasenyana wa mosebetsi wa dinako tsohle ho bao ba o hlokang, ha ka lehlakoreng le leng le ntlafatsa boleng ba maphelo a baahi.
Qaka ya ikonomi e putlamang e tla thefula mokoka oo naha ya rona e kgonang ho rarolla diphephetso tsa setjhaba le tsa moruo tseo e tobaneng le tsona; empa sena se ke ke sa fetola tsela ya ntshetsopele ya rona.
Dintlha tsa bohlokwa tsa leano tseo re di hlwaileng hammoho le maano ao re a hlakisitseng ho batho ba voutileng a tla dula e le a bohlokwa lenaneong la puso ena.
Ka moya wa setjhaba sa Aforika Borwa, ha re tshwaraneng ka matsoho re batlane le tharollo kaofela. Nako e fihlile ya ho sebetsa ka thata.
Puso ya rona e habeletse pele, ha e kgutlele morao!
Mehato e hlakisitsweng Tshebetsong ya Lewa la Nako e Bohareng e ile ya lokela ho hlokomela ditshitiso tse hlahileng ka lebaka la qaka ya ikonomi. Qaka ena ha e ya tlameha ho re susumeletsa ho fetola meralo ya rona. E ka mpa ya re susumeletsa ho kenya tshebetsong mehato ena ka potlako ebile ka maikemisetso a maholo.
Tshebetso ya Lewa e shebane le dintlha tse 10 tsa bohlokwa.
Re itlama hore ho sebedisana ho tla potlakisa kgolo ya ikonomi mme ho fetole ikonomi ho hlahisa mosebetsi o phethahetseng le bophelo bo tsitsitseng.
Re tla hlahisa lenaneo le leholo la ho haha ikonomi le ho haha disebediswa tsa motheo tsa setjhaba. Re tla bopa le ho kenya tshebetsong lewa le phethahetseng la ntshetsopele la mahaeng le hokahantsweng le diphetoho tsa ho sebedisa lefatshe le tsa temo hammoho le ho fumaneha ha dijo.
Re tla matlafatsa boitsebelo le disebediswa tsa batho tsa motheo. Re tla ntlafatsa nalane ya bophelo bo botle bakeng sa maAforika Borwa ohle.
Ha re sebedisana le maAforika Borwa ohle, re tla matlafatsa ntwa e mabapi le botlokotsebe le bobodu. Re tla bopa setjhaba se kopaneng, se kgathallang hape se tsitsitseng.
Ha re sebedisana le Aforika hammoho le lefatshe lohle, re tla toboketsa tswelopele ya Aforika le matlafatso ya tshebedisano le mafatshe a mang. Re tla etsa bonnete hore disebediswa di laolwa hantle hape di sebediswa ka tsela e tsitsitseng.
Re tla bopa puso ya ntshetsopele, tshebeletso ya setjhaba e ntlafetseng hape re matlafatse diinstitushene tsa demokerasi mme re sebedisane le batho re ntse re tshehetswa ke basebeletsi ba rona ba setjhaba.
Ke lethabo le tlhompho ho nna ho hlakisa dintlha tsa bohlokwa tsa lenaneo la rona la tshebetso.
Se botebong ba maano a rona a ikonomi ke ho hlahisa mesebetsi e phethahetseng mme re tla susumeletsa kgohedi ya rona ya matsete le mekgwa e metjha ya ho hlahisa mesebetsi.
Boitlamong ba rona, re lokela ho hatele pele ho ntshetsa pele ikonomi e kenyeletsang batho bohle.
Ka tsela e tjena, re tla sebedisa disebediswa tsa puso tse jwaloka phano ya mesebetsi ho boradikonteraka, tshehetso ya phano ya dilaesense le tshehetso ya ditjhelete ho thusa borakgwebo ba banyenyane bakeng sa ntshetsopele ya ho Matlafatsa Batho ba Batsho Ikonoming ka ho Phatlalla hammoho le maano a ho phahamisa batho mesebetsing ba neng ba qheletswe thoko nakong e fetileng.
Mosebetsi ona wa ho kenya maano ana tshebetsong o tla tswela pele ho ntse ho hlokometswe ditlhoko tsa ho lokisa ho se lekane ha nako e fetileng.
Diphetoho tsena di tla etswa ka sepheo sa ho tshehetsa basadi, batjha le diqhwala.
Re tla fokotsa tshubuhlellano ya taolo dikgwebong tse nyenyane. Taba ena ya ho petetswa ke melao e se ile ya nna ya hlahiswa ke lekala ka makgetlo a mmalwa.
Ntlheng e nngwe ya ho kena dipakeng ke ho bopa tikoloho e hohelang matsete, puso e tla sebetsa ka thata ho kgannela ntlheng ya tsamaiso e le nngwe e hokahantsweng ya ngodiso ya dikgwebo.
Sena se tla ntlafatsa tshebeletso e fuwang bareki mme se fokotse ditjeho tsa kgwebisano mona Aforika Borwa.
Taba e nngwe hape ya bohlokwa letsholong la rona ke ho hlahisa menyetla ya mesebetsi ka Lenaneo le Ekeditsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP). Tebello ya mantlha ya ho hlahisa mesebetsi e milione e fihletswe.
Sepheo sa bohato ba bobedi ba lenaneo ke ho hlahisa menyetla ya mesebetsi e ka bang dimilione tse nne ka 2014.
Mahareng a hona jwale le Tshitwe 2009, re ikemiseditse ho hlahisa menyetla ya mesebetsi e 500 000.
Ha re ntse re bopa tikoloho bakeng sa mesebetsi le menyetla ya kgwebo, puso e hlokometse hore ba bang ba baahi ba tla nne ba hloke dithuso tsa setjhaba tse hlahang mmusong. Dithuso tsa setjhaba ka ditjhelete e tla dula e le mokgwa o phethahetseng haholo wa ho fedisa bofuma. Ho tloha ka la 31 Hlakubele 2009, batho ba fetang dimilione tse 13 ba fumane dithuso tsa setjhaba, ba dimilione tse 8 ho bona ke bana.
Re hlokometse hore ho na le tlhoko ya ho hokahanya dithuso tsa setjhaba mesebetsing kapa diketsahalong tsa ikonomi e le ho kgothaletsa boikemelo bathong ba feletseng mmeleng.
Ntlha ya bohlokwa haholo nakong ena, ke hore baahisane ba thusane.
Jwale ke nako ya kopano. Ha re thusaneng jwaloka baahisane.
Ha re dumellane hore ho se ke ha eba le ngwana ya tla robala ka tlala hobane batswadi ba hae ba feletswe ke mosebetsi. Ha re ka kopana ra ba ra sebetsa mmoho, re ka etsa haholwanyane.
Baeti ba hlomphehileng, karolong ya lewa la bohlokwa la bobedi re tla tswela pele ka lenaneo la rona ho haha metheo ya ikonomi le ya setjhaba.
Lekala le letjha le bopuweng la Ntshetsopele ya Metheo ya Puso le tla etsa bonnete ba hore ditekanyetso tse entsweng tsa dibilione tse R787 tseo ho fanweng ka tsona bajeteng pejana selemong sena di fuwa moralo o phethahetseng mme di sebediswa hantle.
Tshehetso ena ya ditjhelete e kenyeletsa lenaneo bakeng sa kaho ya dikolo, dipalangwang tsa setjhaba ho ntse ho kenyeletswa tsamaiso e potlakileng ya dibese, matlo, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
E nngwe ya diporojeke tsa motheo tse kgolo ka ho fetisisa e ho Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa Bolo wa 2010. Rona jwaloka ka puso le setjhaba sohle, re itlamme hore Mohope wa Lefatshe o tla siya letlotlo leo re tla ba motlotlo ka lona hape leo bana ba rona le setjhaba sa rona se tla fumana melemo ho lona dilemong tse ngata tse tlang.
Re motjheng wa ho fihlella ditshepiso tsohle mme re ikemiseditse ho tshwarela lefatshe Mohope wa Lefatshe o motle ka ho fetisisa.
Re behile ditsamaiso tsohle moo di tshwanetseng ho etsa bonnete ba hore Mohope wa Kopanelo, o qalang ka la 14 Phuptjane e ba katleho e kgolo.
Kgweding ya Mmesa selemong sena, ke ile ka tshepisa boetapele ba indaseteri ya ditekesi hore re tla kena ditherisanong kamora dikgetho, ditherisano tse amanang le tshebetso ya tsamaiso e Hokantsweng ebile e Potlakileng ya Dibese.
Re tshepisitse hore re tla fana ka nako e ngata ho sebetsana le ditletlebo tsa indaseteri ka ho phethala. Ka la 11 Phuptjane, Letona la Dipalangwang le tla qala ka ditherisano le indaseteri.
Kopano e tla qala e le letoto la dipuisano le bankakarolo ba anngweng ke tsamaiso ya BRT. Re na le tshepo e tiileng ya hore ditaba tse sa rarollwang ho tla sebetsanwa le tsona ka tsela e tla kgotsofatsa mahlakore ohle.
Sena se tla kenyeletsa taba ya bohlokwa ya hore mahlakore ohle a amehang a tla fumana molemo jwang letsholong lena.
Ntshetsopele e nngwe e tlamehileng ho matlafatsa Mohope wa Lefatshe ke tshebetso ya motheo ya thekenoloji ya kgaso hammoho le diteransemitara tsa phatlalatso.
Ka kakaretso, re tla etsa bonnete ba hore ditjheho tsa marangarang a dipuisano di a theoha ka lebaka la diporojeke tse ntseng di kengwa tshebetsong ho namisa bokgoni ba phatlalatso e batsi ha ho romelwa melaetsa ya eleketeroniki ka bongata.
Re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re siye dibaka tsa mahaeng morao ha ho ntse ho etswa dintlafatso tsena tse thabisang.
Jwaloka karolo ya ntshetsopele ya motheo wa setjhaba, re tla fana ka matlo a phethahetseng dibakeng tse nepahetseng hape e be matlo a theko e tlase mme e be bodulo bo botle bo tshwanetseng batho.
Re tla tswela pele ka kutlwisiso e phethahetseng ya hore bodulo ba batho ha se fela ho haha matlo.
Ke taba ya ho fetola metsemeholo le ditoropo tsa rona mme re bope setjhaba se hokahaneng, se kgathallang ebile se tsitsitseng se tla fumana ditshebeletso haufinyane le moo se sebetsang hammoho le disebediswa tsa setjhaba, ho kenyeletswa disebediswa tsa dipapadi le tsa boithapollo.
Ka moya ona, re tla sebedisana le Palamente ho potlakisa ho kenya tshebetsong Bili ya Taolo ya Tshebediso ya Lefatshe.
Ha re ntse re sebedisana le batho ba rona mahaeng, re tla etsa bonnete ba hore lewa la ntshetsopele ya mahae le utlwahalang le hokahantswe le lefatshe le phetoho temong hammoho le polokelo ya dijo, jwaloka ka taba ya rona ya boraro ya bohlokwa.
Ke batla ho sebedisa monyetla ona ho fetisetsa matshediso leIapeng la Motlatsi wa Letona la Temo, Dirk du Toit, ya hlokahetseng bekeng ena. Re tla hlolohela phehiso ya hae haholo.
Batho ba mahaeng le bona ba na le tokelo ya ho fumana motlakase le metsi, matlwana a tsamaiswang ka metsi, ditse tsa boikgathollo le dipapadi hammoho le ditse tsa mabenkele tse jwaloka tse metsemeholong.
Le bona ba na le tokelo ya ho thuswa ka temo e le hore ba tle ba leme meroho le dintho tse ding mme ba rue diphoofolo e le hore ba tle ba iphepe.
Re malala-a-laotswe ho kena letsholong lena la ho haha metheo mahaeng. Re ka potlakisa mosebetsi ona ha re sebedisana le setjhaba, marena, makhanselara le dihloho tsa metse.
Re kopa batho ba mahaeng ba qale ka ditlhophiso mme ba re bolelle hore ke dintho dife tseo ba di hlokang ka potlako. Ha re sebetsa mmoho re ka fihlela tse ngata.
Ka ha re ithutile haholo ka tse hlokehang letsholong la pejana la ntshetsopele ya mahae, ha jwale re kgethile Masepala e Moholo wa Giyane mane Limpopo jwaloka porojeke ya pele e kengwang tekong bakeng sa letsholo lena. Diporojekeng tsena tsohle ho tla ithutwa haholo bakeng sa naha yohle.
Ho tlatseletsa, re tla sebetsa ka maikemisetso a ho ntjhafatsa ditoropo tsa mahaeng ka dithuso tsa ditjhelete tse jwaloka lenaneo la Dithuso la Ntshetsopele ya Boahisane. Ka tsela ena, dibaka tse potapotileng toropo di tla fumana molemo wa ikonomi e matlafetseng.
Ka mekgwa ena yohle ya ho kena dipakeng, re malala-a-laotswe ho fetola sebopeho sa mahae naheng ena ya rona.
Thuto e tla ba taba ya bohlokwa haholo dilemong tse hlano tse tlang. Re batla hore matitjhere a rona, bana le batswadi ba sebedisane le puso ho fetola dikolo tsa rona hore e be ditsha tsa tswelopele ebile tse kgabileng.
Lenaneo la Ntshetsopele ya Bana le tla matlafatswa ho ya pele ka sepheo sa ho etsa bonnete ba hore bohle ba fumana thuto ho tloha Sehlopheng sa R mme re eketse palo ya bana ba tla fumana thuto eo ba dilemong tse 0-4 ka selemo sa 2014.
Re boela re pheta ditaba tseo re sa tjhetjhelleng morao ho tsona. Matitjhere a tlamehile ho ba sekolong, ka diphaphosing tsa borutelo ka nako mme ba tlamehile ho ruta ntle le ho lesa mesebetsi e meng ya bona mme ba se ke ba hlekefetsa bana! Bana ba tlamehile ho ba ka diphaphosing tsa borutelo ka nako, ba ithute, ba hlomphe matitjhere a bona le bona ba hlomphane bo bona hape ba etse mosebetsi wa bona wa hae.
Ho ntlafatsa tsamaiso ya sekolo, matitjhere a lokela hore pele a be le thupelo bakeng sa ho phahamiswa hore e be mesuwehloho kapa dihloho tsa mafapha.
Ke tla kopana le mesuwehloho ya dikolo ho ba hlalosetsa ka ponelopele ya rona tabeng ya ho matlafatsa tsamaiso ya thuto ya rona.
Re tla etsa se matleng a rona ho kgothaletsa bana bohle ho phethela thuto ya bona ya sekondari.
Sepheo ke ho phahamisa manane a boingodiso dikolong tsa sekondari ho fihla diperesenteng tse 95 ka selemo sa 2014. Re boetse re shebane le mekgwa e metjha ya tshebetso e tla kgutlisetsa baithuti dikolong haholo ba ileng ba tlohela dikolo mme re ba tshehetse.
Ditho tse Hlomphehileng, re kgathatsehile haholo ke diraporoto tseo re di fumanang tsa matitjhere a hlekefetsang bana ka thobalano, haholoholo ba banana.
Re tla etsa bonnete ba hore ho phatlalatswa Dibukana tsa Tataiso tse mabapi le Tlhekefetso ya Thobalano hammoho le Merusu Dikolong tsa Setjhaba mme re tla etsa bonnete ba hore baithuti le matitjhere ba itlwaetsa tsona ebile ba di hlompha.
Re tla nka mehato e matla ebile e hlakileng ho lwantshana le matitjhere afe kapa afe a sebedisang matla le bookamedi ba bona hampe ka ho qala dikamano tsa thobalano le bana.
Ho ntshetsapele thuto ya bophelo bohle, ho tla matlafatswa lenaneo la Thuto le Thupelo ya Batho ba Baholo le Kha ri Gude.
Re tlamehile ho etsa bonnete ba hore matsholo a thupelo le ntshetsopele ya boitsebelo naheng a arabella ditlhokong tsa ikonomi.
Lekala la Thuto le Thupelo ka dikoletjhe tsa lona tse 50 le dikampase tse 160 naha ka bophara e tla ba setsi sa bohlokwa bakeng sa thupello ya ntshetsopele ya boitsebelo.
Re tla ntlafatsa phumantsho ya thuto e phahameng bakeng sa bana ba hlahang malapeng a futsanehileng mme re etse bonnete ba hore dibaka tsena tsa thuto di fumana tshehetso ya ditjhelete e tsitsitseng haholoholo diyunivesithing.
Re kgathatsehile haholo ka lebaka la maemo a mpefetseng a boleng ba tlhokomelo ya maphelo, a ntseng a mpefatswa ke keketseho e matla ya mafu ao esale a re hlwa setha dilemong tse leshome tse fetileng le halofo.
Re na le maikemisetso a ho tswela pele ho fokotsa ho se lekane phanong ya tlhokomelo ya bophelo bo botle, ho matlafatsa bokgoni le disebediswa tsa batho, ho ntlafatsa dipetlele le ditliliniki mme re lwantshe sewa sa HIV le AIDS, TB le mafu a mang.
Re tlamehile ho sebedisana ho ntlafatsa tshebetso ya Leano la Kutlwahatso bakeng sa Kalafo, Taolo le Tlhokomelo ya HIV le AIDS e le hore re tle re fokotse sekgahla sa tshwaetso e ntjha ya HIV ka 50% ka selemo sa 2011. Re batla ho fihlela 80% tsa bao ba hlokang kalafo ya ARV ka selemo sa 2011.
Re tla hlahisa sekema sa Inshorense ya Bophelo Naheng ka bohato le mokgwa o butle. Ha re tla atleha ho qala NIH, re tlamehile ho potlakisa tlhabollo ya dipetlele tsa setjhaba e tla kenelwa ke Balekane ba Setjhaba le ba Poraefete.
Re boela hape re shebane ka matla le ditaba tsa meputso ya diporofeshenale tsa bophelo ho fedisa ho se tsitse ditshebeletsong tsa rona tsa maphelo.
Ha re sebedisana re tla etsa tse ngata ho ntshetsapele tlhokomelo ya maphelo e nang le boleng, re ntse re ikamahanya le Sepheo sa Ntshetsopele sa Mileniamo sa Dinaha tse Kopaneng sa ho fokotsa bofuma ka halofo selemong sa 2014.
Kaofela re tlamehile ho etsa haholwanyane ho lwantsa botlokotsebe. Sepheo sa rona ke ho bopa taolo ya toka le phediso ya botlokotsebe e fetohileng, e hokahaneng, e ntjhafetseng, e nang le disebediswa tse phethahetseng ebile e laolwang hantle.
Ho boetse hape ho le bohlokwa haholo ho ntlafatsa tshebetso e potlakileng ya makgotla a dinyewe le mosebetsi wa batjhotjhisi hape le ho matlafatsa ditshebeletso tsa bofokisi, tsa forensiki le tsa mahlale. Mosebetsi ona o qadile ka sebele mme o tla nkuwa ka matla a matjha ebile a bontshang mafolofolo.
Hara dintho tse ding tseo re di habileng ke ho etsa bonnete ba hore re eketsa palo ya batjhotjhisi hammoho le moifo wa Boto ya Dithuso tsa Molao. Re tla boela re etsa jwalo le mafokising.
Re fetoletse lebitso la Letona le tshwanetseng ho tloha ho Tshireletso le Polokeho ho le etsa la Sepolesa ho toboketsa taba ya hore re batla tshebetso e matla ebile e tletseng mafolofolo ya Sepolesa. Sena se tla ba le kabelo e kgolo ho fokotsa botlokotsebe bo matla ebile bo soto mme sena re se behetse 7% ho fihla ho 10% selemong se seng le se seng.
Taba eo re tla shebana le yona hape ka matla ke ho lwantshana le botlokotsebe bo hlophisitsweng hammoho le ho lwantshana le botlokotsebe mabapi le basadi le bana.
Ha re ntse re ananela matsete a lekala la poraefete indasetering ya tshireletso, re tla ntlafatsa taolo ya indaseteri ena.
Hara mekgwa e meng e metjha ya bohlokwa, re tla qala ho kenya tshebetsong tsamaiso ya Boemedi ba Taolo ya Meedi; re tla matlafatsa ntwa mabapi le re tla matlafatsa matsapa a rona kgahlanong le ditlolo tsa molao tsa inthanete le boshodu ba boitsebiso mme re tla ntlafatsa taolo ditjhankaneng tsa rona mme re fokotse ditlolo tsa molao tse iphethaphetang.
Ke lakatsa ho totobatsa tshehetso ya rona bakeng sa diphetoho tse tswelang pele Iekaleng la Toka.
Diphetoho tsena di tlamehile ho rarolla ditaba tsa bohlokwa tse jwaloka ho matlafatsa boikemelo ba lekala la toka, ho matlafatsa taolo ya ditshebetso tsa ka hare hammoho le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba fumana toka.
Katleho ya tsamaiso ya demokerasi ka kakaretso e itshetlehile hodima dikamano tse ntle tse bontshang tlhomphano le moya o motle wa tshebedisano mahareng a Bookamedi, Ketsamolao hammoho le lekala la Toka. Sena se bohlokwa haholo bakeng sa demokerasi ya rona ya motheo.
Re boetse re bua ka ho phethaphetha boitlamo ba rona ho lwantshana le bobodu ditshebeletsong tsa setjhaba.
Re tla tobana ka tsela e kgethehileng le ho lwantshana le bobodu le bothetsi tabeng ya ho fana ka mesebetsi ya mmuso le tsamaiso ya dithendara, kopo ya dilaesense tsa ho kganna, dithuso tsa setjhaba ka ditjhelete, di-ID hape le boshodu ba didokete tsa dinyewe tsa sepolesa.
E re ke toboketse taba ya hore bohle re na le kabelo e kgolo ho lwantshana le botlokotsebe.
Re tlamehile re itahlele ka setotswana Diforamong tsa Sepolesa sa Baahi. Ha re tloheleng ho reka dithoto tse utswitsweng; e leng yona ntho e kgothaletsang botlokotsebe.
Re tlamehile ho tlaleha botlokotsebe mme re thuse sepolesa ka ho se fa ditsebiso tse tla ba thusa ho tshwara batho ba tlotseng molao. Ka tsela ena; re tla hatela pele ho bopa setjhaba se lokolohileng botlokotsebeng.
Ditho tse Hlomphehileng, ho tloha ka 1994 re lekile ho bopa setjhaba se kopaneng se hlahang nakong e mpe e fetileng ya karohano. Re kopuwe hape ka matla hore re tswele pele ka letsholo lena la ntshetsopele ya kopano le ha re fapana hape le ho ntshetsapele tsamaiso ya boleng e arolelanwang ebile e thehilweng hodima moya o motle wa boahisane hammoho le setjhaba se kgathallang.
Tsamaiso ya boleng e arolelwanang e tlamehile ho re kgothaletsa ho ba setjhaba se sebetsang ka mafolofofolo ntlafatsong ya naha ya rona. Re tlamehile ho bopa boitsebiso ba naha bo tshwanang hammoho le ho bontsha lerato le botshepehi naheng ya rona.
Re tlamehile ho ntshetsapele kamahano le boitelo bo tshwanang naheng ya rona; molaong wa rona wa motheo le matshwaong a naha. Ka moya ona o motle, re tla ntshetsapele Pina ya Setjhaba le folakga ya naha ya rona hammoho le matshwao a mang ohle a naha.
Bana ba rona, ba tlamehile ho rutwa, ho tloha ba sa le banyenyane, ho hlompha le ho tshehetsa Molao wa motheo le matshwao a naha mme ba tsebe hore ho bolelang ho ba moahi wa Aforika Borwa.
Re tla etsa bonnete ba hore re ba le katamelo e tshwanang naheng tabeng ya diphetoho tsa dibaka le mabitso a ditulo. Sena se tlamehile ho fana ka monyetla wa ho kenyeletsa maAforika Borwa ohle tabeng ya ho kgothaletsa boitsebiso ba naha bo kenyeletsang batho bohle, sepheo e le ho tebisa kutlwisiso ya nalane ya rona le letlotlo la rona.
Dipapadi ke sesebediswa se matla haholo bakeng sa ho haha setjhaba. Ha re sebedisana re tlamehile ho tshehetsa dihlopha tsohle tsa naha ya rona; ho qala ka Bafana Bafana ho isa ho di-Proteas le di-Springboks; ho tloha ka Banyana Banyana ho fihla ho di-Paralympians.
Dihlopha tsa rona di ka sebetsa hantle ka tshehetso ya rona.
Ntumelle ho sebedisa monyetla ona ho thoholetsa dihlopha tsa naha ya rona ka dipapadi tse ntle mafelong a fetileng a beke, haholoholo ka ho hapa ka boraro ba tsona.
Sehlopha sa naha sa basadi sa netebolo le sona se re entse motlotlo ka ho hapa Tlhodisano ya Netebolo ya Naha tse Tharo. Ke thoholetsa Sevens Springboks bao e bileng Bomampodi ba ba Lethathama la IRB Sevens ba Lefatshe - re sa lebale Blue Bulls e hapileng makgaolakgang a Super 14 ka mokgwa o tswileng matsoho!
Re nka monyetla ona ho lakaletsa Springboks hantle ditllhodisanong tse telele tse tlang moo ba tla bapala le British le Irish Lions.
Ho hlakile hore re hloka ho tsetela haholo ntshetsopeleng ya dipapadi. Re tla potlakisa taba ya ho tsosa dipapadi botjha dikolong mme re etse bonnete ba hore sena se bopa karolo ya lenanethuto la sekolo. Ho tlatseletsa re tla etsa bonnete ba hore re fana ka disebediswa tsa dipapadi baahing ba futsanehileng ebile e be bona ba pele ba fumanang tsena.
Re itlamme hore dilemong tse mmalwa tse tlang re tla ba le kabelo e kgolo ho haha Aforika e betere hammoho le lefatshe le betere.
Sepheo se ka sehlohong sa puso bakeng sa nako e bohareng ke ho etsa bonnete ba hore dikamano tsa mafatshe a kantle di ba le kabelo bakeng sa ho bopa tikoloho e lokileng bakeng sa kgolo e tsitsitseng ya ikonomi le ntshetsopele.
Ho lebaka lena, re tla tswela pele ho beha kontinente ya Aforika ka pele ka ho matlafatsa Kopano ya Aforika (AU) hammoho le dibopeho tsa yona mme re boele re shebane ka tsela e kgethehileng ho kengwa tshebetsong Selekane se Setjha Ntshetsopeleng ya Aforika.
Seo e leng sa bohlokwa jwaloka dintho tse ding ebile ha re atamela hae mona, ke ho matlafatsa kgokahano ya lebatowa re ntse re toboketsa ka ho ikgetha ntshetsopele dipolotiking le ikonoming bakeng sa SADC; sepheo e le ho thusa AU ho bopa Puso e Kopanetsweng. Re tla theha Boemedi ba Selekane sa Ntshetsopele Aforika Borwa ho hatela pele dikamanong tsa ntshetsopele le dinaha tse ding kontinenteng.
Aforika Borwa e tla tswela pele ho thusa kahong botjha le ntshetsopeleng ya kontinente ya Aforika, haholoholo maemong ao ho bileng le dikgohlano. Re tla tswela pele ho kgothaletsa boahisane ba kgotso e tsitsitseng kgohlanong ya Iseraele le Palesetina mme e be tharollo e thehilweng ke dinaha ka bobedi ba tsona.
Re tla kgothaletsa mehato ya kgotso bakeng sa AU hammoho le Dinaha tse Kopaneng kontinenteng ya Aforika ho kenyeletswa Riphaboliki ya Saharawi Arabia le Darfur mane Sudan.
Jwaloka Modulasetulo le mothusi wa South African Development Community (SADC), re tla ba le seabo ho kgothaletseng mmuso o kenyeletsang bohle hofihlela dikgetho tsa nnete le tse lokolohileng di tshwarwa Zimbabwe.
Kodua e wetseng batho ba Zimbabwe ebile le sefutho se sebe lebatoweng la SADC, haholoholo mona Aforika Borwa. Re tla epa pitso dinaheng tsohle tse ratang kgotso lefatsheng ka bophara ho tshehetsa puso ya kopanelo sepheo e le ho haha ikonomi botjha.
Re tla tshehetsa mekutu ya lebatowa la SADC ho leka ho rarolla maemo a Madagascar.
Ntumelleng, baeti ba hlomphehileng, ho tlotla Sesole sa Naha ya Aforika Borwa bakeng sa kabelo ya bona e matla tabeng ya ho bopa le ho tlisa kgotso kontinenteng.
Re tla sebeletsa ho matlafatsa demokerasi le tlhompho ya ditokelo tsa botho kontinenteng ya Aforika, re sebedisa mekgatlo ya kontinente le ya lebatowa.
Re tla ba le kabelo ho matlafatsa dikamano tsa Borwa-Borwa mme re tswele pele ho ba le ditumellano le dinaha tse ka sehlohong tsa Borwa.
Re tla tswela pele ho matlafatsa dikamano le dinaha tsa Leboya ho kenyeletsa G8 hammoho le balekane ba mawa a rona le Dinaha tse Kopaneng tsa Yuropa.
Re tla tswela pele ho sebetsa ka mafolofolo ho etsa bonnete ba hore ho ba le pheletso ditherisanong tsa ntshetsopele ya World Trade Union (WTO) Doha.
Aforika Borwa, ka ha ke naha e ommeng mme e hlokang tshebetso e mafolofolo ho kena dipakeng ho namola diphetoho tse kotsi tikolohong mme re etse bonnete ba hore baahi ba fumana metsi.
Hara mananeo a mmalwa, re tla kenya tshebetsong Lewa la Metsi bakeng sa Kgolo le Ntshetsopele, le tla matlafatsa taolo ya metsi. Re tla tswela pele ho ntlafatsa tshebediso ya rona ya matla le boitshetleho hodima matla a ntjhafaditsweng.
Puso ya ntshetsopele e hloka ntlafatso ya ditshebeletso tsa setjhaba hammoho le ho matlafatsa diinstitushene tsa demokerasi.
Re thehile Matona a mabedi Boporesidenteng ho matlafatsa ka bobedi maano le mawa hammoho le taolo le dihlahlobo tsa tshebetso.
Ho etsa bonnete ba hore re phethisa ditshepiso tseo re di entseng, Matona a Kabinete a tla ikarabella mme re tla sebedisa disebediswa tsa rona ho hlahloba tshebetso ya bona hape re tla beha mehato e matla le dinako tseo ba lokelang ho sebetsa ka tsona, re tla qala ka Phupu.
Re tla boela hape re mema Dikgwebo tsa Puso le Diinstitushene tsa Ntshetsopele Ditjheleteng tsamaisong ya maano a puso mme re ntlafatse mekgwa ya taolo le tlhahlobo ya mosebetsi wa bona.
Ho etsa bonnete ba hore mehato yohle e meraro-selehae, provense le naha- e ntlafatsa phano ya ditshebeletso, re tla potlaka ho theha Tshebeletso ya Setjhaba e le nngwe.
Taolo ena e tla hatella taba ya ho beha batho pele phanong ya ditshebeletso.
Re tla etsa bonnete ba hore ho ba teng mosa le tshebeletso e ntle basebetsing ba thusang setjhaba ka ditshebeletso mafapheng ohle a puso.
Nakong ena ya ntjhafatso, re tla hatela pele ho bopa puso ya tshebedisano ka hohlehohle.
Tabeng ya boetapele ka mohlala, mosebetsi o se o qadile ho theha disebediswa tsa bohokahanyi ba setjhaba Boporesidenteng.
Ho tlatseletsa ntlheng ya ho amohela mangolo le diemeile tse hlahang setjhabeng, re tla boele re theha mohala wa mahala bakeng sa ho fumaneha habonolo.
Basebetsi ba tla amohela tletlebo le potso e hlahang ho motho e mong le e mong jwaloka ha eka ke yona fela e le nngwe mme o e latellisise ka metjha yohle ho fihlela e fumana tharollo e tshwanetseng.
Boemedi ba Naha Ntshetsopeleng ya Batjha, bo thehilweng ka ho kopanya Letlole la Batjha la Umsobomvu hammoho le Khomishene ya Naha ya Batjha bo tla qala ho kengwa tshebetsong ka la 16 Phuptjane mane Ekurhuleni.
Dinstitushene tsena di kopantswe ka sepheo sa ho matlafatsa tshebeletso le ntshetsopele ya menyetla e fuwang batjha.
Boemedi bona tla hokahanya batjha ba sa sebetseng empa ba tshwere mangolo a thuto le menyetla ya ikonomi; hape bo etse se matleng a bona ho phatlalatsa Lenaneo la Naha la Tshebeletso ya Batjha le ho tshehetsa borakgwebo ba batjha.
Kgwedi e tlang Madiba wa rona ya ratehang o tla be a tshwara dilemo tse 91. Batho lefatshe ka bophara ba ntse ba tswela pele ho hloka ka matla boteng ba hae le hore a ba thuse ho rarolla ditlokotsi tsa bona. Boleng ba hae le mohlala wa boitelo ba hae ho thusa botho ke mohlala o hlaheletseng ka mahetla lefatsheng la kajeno le ditsietsing.
Ho na le letsholo la matjhaba le qaduweng ke Mokgatlo wa Nelson Mandela hammoho le mekgatlo e amehang le bitswang Letsatsi la Mandela, mme sena se hlakisa seo Ntate a se emetseng.
Letsatsi la Mandela le tla ketekwa ka la 18 Phupu selemong se seng le se seng. Le tla neha maAforika Borwa le batho bohle lefatsheng monyetla wa ho etsa dintho tse ntle ho thusa ba bang.
Madiba o sebeditse ka mafolofolo dipolotiking dilemo tse 67 mme ka Letsatsi la Mandela, batho bohle lefatsheng, mesebetsing, malapeng le dikolong ba tla kopuwa ho sebedisa bonyane metsotso e 67 ya nako ya bona ba etsetsa setjhaba sa bona ntho e nngwe e molemo, haholoholo ba etsetsa batho ba hlokang ba phelang hara bona.
Ha re tshehetseng Letsatsi la Mandela ka dipelo tsa rona tsohle mme re kgothaletse lefatshe ho thusana le rona letsholong lena le letle haholo.
Re hlahisitse lenaneo la rona setjhabeng bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang. Seo re se hokahantseng boitlamong bo bong le bo bong ke leano ka botlalo la porojeke le nang le dinako tsa ho phethela mosebetsi le diketsahalo tsa bohlokwa.
Ha nako e ntse e tsamaya ditsebiso tsena di tla phatlalatswa le ho lebiswa setjhabeng. Kannete jwaloka baahi re tlamehile hore re ipotse nako le nako hore na ke eng seo re ka se etsang borona ho thusa ho ntshetsapele lenaneo lena le naha.
Ho ba moahi ha se fela ka ditokelo empa ke ho nka boikarabelo mme o kenye letsoho hore naha ya rona e be betere.
Re lebeletse hape ho sebedisana hantle le Mekgatlo ya bohanyetsi e Palamenteng ka moya o motle wa ho beha naha pele.
Ho tlatseletsa, Madiba o re rutile hantle hore naha ena ke ya batho bohle, ba batsho le ba basweu. Taba e tla dula e le ya bohlokwa ke ho sebeletsa poelano le kopano hore re hatele pele.
Ka ha lenaneo la rona le tla kengwa tshebetsong qakeng ya ikonomi ena e putlamang, re tlamehile ho sebetsa ka hloko - ho se be le tshenyo, ho se be le tjhelete e salang le ho fetisetswa selemong se tlang - sente e nngwe le e nngwe e lokelwa ho sebediswa ka bohlale mme ka tsela e behang ditholwana. Re tlamehile ho seha lesela ho latela sebopeho sa rona.
MaAforika Borwa a heso, ha re sebetsa mmoho re ka etsa haholwanyane ho fihlella ponelopele ya rona ya setjhaba se betere se bile se atlehile!
Sena ke selekane seo re se hlokang.
Ke a leboha!
3 Phuptjane 2009 <fn>Submisions to Parliament Sesotho.
Na o lakatsa ho hlahlella ka pela Komiti?
<fn>The National Council of Provinces Sesotho.txt</fn>
Palamente e na le matlo a mabedi.
Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP) e nang le bonyane baromuwa ba 90.
Le etsa sena haholo ka ho ba le seabo tsamaisong ya ketsamelao ya naha, le ho fana ka foramo ya naha bakeng sa dingangisano setjhabeng ka dintho tse ba amang diprofenseng.
Lekgotla la Naha la Diprofense le netefatsa hore dingongoreho tsa mmuso wa dibaka di hlahiswa boemong bo phahameng.
Lekgotla la Naha la Diprofense le na le moifo wa diprofense tse robong o kgethilweng ke makgotla a ketsamelao a diprofense, le baemedi ba Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Afrika Borwa.
Moifo wa profense ka nngwe o na le ditho tse:.
Moifo o etellwa pele ke Tonakgolo ya profense ka nngwe, eo e leng e mong wa baemedi ba kgethehileng.
Ha ho hlokeha, Tonakgolo e ka kgetha e mong ho nka maemo a hae.
NCOP e ela hloko, e atlehisa, e ya wona ya phethahatso ho tswa hlomathisa, e sisinya dihlomathiso ho, sehlopheng sa baemedi ba Makgotla a kapa e hane ketso ya molao.
Mmuso wa Dibaka a diprofenseng tse robong.
E tlameha ho sheba dibili tsohle tsa naha.
NCOP e kgetha Bahlanka ba Baholo nang le kopanelo ya matla a ho etsa dithong tsa yona; melao le dibili tse ding tse amang diprofense.
Bahlanka bana ba laola mosebetsi tlameha ho lebiswa kopanong ya NCOP wa Lekgotla la Naha la Diprofense le bakeng sa ngangisano le ho vouta hore ho tsamaisa dingangisano, le ho etsa na ho amohelwe kapa ho hanwe Bili.
melao ya Ntlo.
Motlatsi wa Modulasetulo wa amanang le mesebetsi ya naha, jwalo moshwelella o kgethelwa ho sebetsa ka tshireletso, ditaba tsa kantle, le toka.
Ha dibili tse kang tsena di atlehisitswe potoloha ho ba Batlatsi ba Modulasetulo ke Seboka sa Naka, di ya ho NCOP ho ya bakeng sa selemo.
Haeba NCOP e batla ho etsa diphetoho biling, e kgutlela morao ho Seboka sa Naha, se ka amohelang kapa sa hana diphetoho.
ho ba setsi sa bohlokwa sa ho hlahisa dingongoreho tsa mmuso wa dibaka le wa diprofense boemong ba naha.
Mehlala ya dibili tse amang diprofense e kenyelletsa thuto, dipalangwang, thekolohelo, le bophelo bo botle.
Bongata ba dibili tsena di ka hlahiswa bakeng sa mmuso wa dibaka ho ba ka NCOP ke Ntlo efe kapa efe; empa ho le seabo dipuisanong tsa ketsamelao na le dibili tse ding tse tlamehang ho boemong ba naha.
qala ka Sebokeng sa Naha.
Ha ho voutelwa Dibili tsena ka NCOP, profense ka nngwe e na le voutu e le nngwe.
Haeba ho na le ho se dumellane dipakeng tsa NA le NCOP ka bili e amamng diprofense, bili e tlameha ho romelwa ho Komiti ya Bonamodi.
Ha bili e hlomathisang molatheo e ama diprofense ka ho otloloha, bonyane diprofense tse tsheletseng ho tse robong tse kahara NCOP di tlameha ho dumellana le yona.
Haeba bili e hlomathisang molaotheo e sa ame diprofense ka ho otloloha, molaotheo o hloka hore NCOP e ngangisane ka bili (ntle le ho vouta) pele e ya Sebokeng sa Naha bakeng sa ho voutelwa.
Tekolo ke matlataelo a Molaotheo a mosebesetsi wa Palamente (ho kenyelleditswe Makgotla a Ketsamelao a Diprofense) ho bea leihlo diketso tsa mmuso.
NCOP e na le matla a ho lekola dintho tsa naha tse amang diprofense le mmuso wa dibaka.
NCOP e ka hloka setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa wa mmuso wa profense ho tla kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti ya Lekgotla.
Baromuwa ba NCOP ba ka botsa matona a Kabinete dipotso tse tlamehang ho arajwa kahara NCOP.
NCOP kapa komiti efe kapa efe ya yona e ka amohela mangolo a tletlebo, ditlhahiso kapa dinyehelo.
NCOP e boela e etela setjhaba bakeng sa ho lekola e le ho netefatsa hore e fumana tlhahisoleseding ka ho otloloha ka ditlhoko le diphephetso tsa batho.
Dikomiti tsa NCOP di bitswa Dikomit tse Kgethehileng, mohlala, Komiti e Kgethehileng ya Matlo, Mesebetsi ya Setjhaba le Dipalangwang.
Komiti ka nngwe e beha leihlo mosebetsi wa mafapha a itseng a mmuso. Komiti e ngangisana le ho hlomathisa Dibili, le ho hlophisa nonyo ya maikutlo a setjhaba haeba taba e le eo setjhaba se nang le thahasello ho yona.
Dikomiti di ka bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, hape di ka hloka hore motho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o tlalehe ho tsona.
Hang ha ho se ho ngangisanwe ka bili ke dikomiti, e iswa ho NCOP ho ya voutelwa.
Moifo wa profense ka nngwe o na le voutu e le nngwe e sebediswang maemong a profense ke hlooho ya moifo.
Ditho tsa setjhaba di ka kenya letsoho haholo mosebetsing wa tekolo ho netefatsa hore mmuso o a ikarabela ditlhokong tsa batho.
Tlhahiso ya maikutlo ho komiti ya Palamente ke tsela e nngwe ya ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.
Ka ho etsa tlhahiso ya maikutlo, o na le monyetla wa ho ba le tshusumetso maikutlong a ditho tsa komiti tse buisanang le ho ngangisana ka karolwana e itseng ya molao pele o phethelwa.
Tokelo ya ho tletlebela Palamenteng ke tokelo ya moahi e mong le e mong wa naha mme e fumaneha le Molaotheong.
Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho sefe kapa sefe kapa mokgatlo ba na le tokelo ya ho tletleba Palamenteng.
<fn>Women and Parliament Sesotho.txt</fn>
Basadi ke karolo e fetang halofo ya baahi ba Afrika Borwa mme kahoo mantswe a bona a tlameha ho kenyeletswa ha ho nkuwa diqeto le ha ho etswa molao.
Ho kenyeletsa basadi ha ho nkuwa diqeto ke tokelo ya motheo ya botho. Basadi ba tlameha ho ba le seabo ho etsweng ha molao hobane ho kenngwa tshebetsong ha molao le meralo ya mmuso ho ama maphelo a bona a kamehla. Ho bohlokwa ho feta, dipatlisiso di bontshitse hore ha basadi ba na le seabo ho nkuweng ha diqeto, sena se lebisa ho eketseheng ha tsepamiso le ho ajwa ha disebediswa tse ntlafatsang boleng ba bophelo ba batho bohle.1 Ho eketseha ha ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao ho ka lebisa ntlafatsong ya phumantsho ya ditshebeletso tsa motheo tse kang phumantsho ya matlo, thuto le thekolohelo.
Molaotheo wa Afrika Borwa o re setjhaba se be le phihlello le seabo Palamenteng le tsamaisong ya yona. Ho na le ditsela tse fapaneng tseo sena se ka etswang kateng.
Basadi ba ka ba le seabo ho etsweng ha molao ka ho kgetha mokga wa dipolotiki oo ba nahanang hore o ka emela tjhadimo le dingongoreho tsa bona hantle Palamenteng. Ba ka ba le seabo hape ho hlophiseng le ho sebeletsa mokga wa bona mme ba kgethwe makaleng a wona. Basadi ba phahamiseditswe maemong a hodimo ka tsela ena.
Setjhaba se na le tokelo ya ho kenela dikopano tsa dikomiti le ho ba le seabo Dipuisanong tsa Setjhaba. Ha taba e le e kgahlang setjhaba haholo, Komiti ya Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi e ka nka qeto ya ho tshwara dipuisano tsa setjhaba kapa ya kopa ditlhahiso. Setjhaba se ka tsebisa Komiti kapa Komiti ya Tshebetso ka tjhebo ya sona tabeng eo ho ngangisanwang ka yona. Baahi ba setjhaba ba ka ikopanya le Setho sa Palamente ho hlalosa tjhadimo ya bona ya molao o itseng.
Molaotheo wa Afrika Borwa o fana ka moralo wa ho kgothaletsa tekano ya bong, mme kahoo ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao. Molaotheo o na le dipehelo tse mmalwa tse ntshetsang pele tekano ya bong. Bili ya Ditokelo tsa Botho e tiisetsa tshwaro e lekaneng ya Maafrika Borwa wohle. E thibela kgethollo e nang le leeme ya morabe le bong. Bili ya Ditokelo e hatella hore ho nkuwe mehato ho ntshetsa pele phihlello ya tekano dikarolong tsohle tsa setjhaba.
Molaotheo o fana ka dipehelo ho ditheo tse tshehetsang demokerasi, le bakeng sa ho ba le seabo ha basadi. Tsena di kenyeletsa, hara tse ding, Khomishini ya Tekano ya Bong le Khomishini ya Ditokelo tsa Botho.
Ho tlatseletsa dipehelo tse entsweng Molaotheong, Afrika Borwa e itlamme ho tekano ya bong ka kakanelo ya yona ya dikopano tsa matjhaba tse kang Kopano ya Phediso ya Kgethollo ya Basadi (CEDAW) le mokgatlo o bitswang Platform of Action, e ileng ya thewa ke Kopano ya Beijing ya Basadi. Afrika Borwa ke karolo ya mananetsamaiso a Afrika a ketso le ntshetsopele ya basadi, mohl. porotokholo ya bong le ntshetsopele ya Ntshetsopele ya Matjhaba a Afrika e ka Borwa (SADC).
Tsela ya pele e bohlokwahadi eo basadi ba ka bang le seabo Palamenteng ke nakong ya dikgetho. Tsela eo batho ba kgethang ka yona dikgethong e susumetsa sebopeho sa Ntlo ya Seboka ya Naha le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi. Dikgetho tsa naha di nea batho bohle ba dilemo tse ka hodima 18 tokelo ya ho kgetha mokga oo ba o ratang. Basadi ba etsa karolo e kgolo ya bakgethi mme ba ka sebedisa tokelo ya ho kgetha ho susumetsa mokgwa oo Palamente e bopilweng ka wona, le kamoo setheo se beang ntshetsopele ya basadi ka sehlohong.
Komiti ya Tshebetso ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng.
Lefapha le letjha la Basadi, Bana, le Batho ba sa itekanelang mmeleng le theilwe ho matlafatsa tshebetso ya mmuso ya ho ntshetsa pele le ho sireletsa batho ba sa sireletsehang setjhabeng sa rona.
Leha bongata ba setjhaba sa Afrika Borwa e le basadi , basadi ba ntse ba etsa lenane le lenyane ha ho etswa diqeto . Ho na le diphephetso tse ngata tse thibelang basadi ho ba le seabo se tletseng le ho utlwahala, mme e kgolo ka ho fetisisa ke bofuma. Bofuma ke tshotleho e tobilweng ke basadi ba bangata ba Afrika Borwa, haholo basadi ba mahaeng.
Phihlello ya ditshebeletso tsa motheo tse kang thuto, metsi le thekolohelo e susumeditswe ke ho se lekane ha bong, morabe le dikamano tsa sehlopha. Hore basadi ba be le seabo se tletseng ho etsweng ha molao, phihlello ya bona ya ditshebeletso tsa motheo e tlameha ho ntlafatswa. Basadi ba itlhophereng ba na le phihlello e sa lekanang ya ditheo tse etsang molao.
Bongata ba basadi ba hloka matlafatso ya moruo. Basadi ka setso ke bona sehlopha se futsanehileng ka ho fetisisa Afrika Borwa le ho se sebetse ka ho phethahala kapa ho se sebetse. Hodima moo, HIV/ AIDS e ama karolo e kgolo ya basadi, haholo basadi ba banyenyane ba dilemong tsa ho beleha.
Dikgoka kgahlano le basadi ke bo bong bothata bo boholo ka ho fetisisa bo tobaneng le Afrika Borwa.
<fn>Youth and Parliament Sesotho.txt</fn>
Molao wa 1998 wa Ntshetsopele ya Bokgoni, le Molao wa Tekatekano ya Mesebetsi.
Palamente boikarabelong ba yona ba tekolo ya tswelopele, e etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong melawana e lokelang hoba melao e leng e kenyelletsang le e lebisitsweng ho batjha ba naha.
Ho etsa hore Palamente e. hlellehe ha bobebe, ho na le lenane le bitswang ka hore ke "Ho kopana le Ditho tsa Palamente" moo batho ba batjha ba ka kopanang le setho se itseng sa Palamente ka ditaba tse hlokolotsi ho bona. Ba ka boela ba hlahisa maikutlo a bona ka ho bua kapa ho ngola ditlhahiso.
Batjha ba boela ba etsa karolo ya setjhaba se etelang Dikopano tsa Dikomiti, e leng moo boholo ba mosebetsi wa Palamente bo etsahalang teng, ba ka boela ba eta ha Palaemente e dutse ho nka malebela ka ho sheba, ho eketsa tsebo le ho imatlafatsa.
Palamente e na le mehopolo e mengata eo sepheo sa yona e leng ho shebana le dikarolo tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha (e tshwarwang ka Kgwedi ya Batjha) moo ho buuwang ka ditaba tse hlokolotsi tsa batjha le moo seabo e leng feela sa batho ba batjha, mme le tsamaiso e lebisitswe ho bona.
Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba mesebetsing le diketsahalong tsa bona, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba menngwa kgafetsa ho nka karolo mehopolong ya Palamente, e jwaloka Dikopano tsa Mmuso le Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang a ho. hlella setjhaba le ho ba le seabo ha setjhaba.
Pamphitshana ena e fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong tsa Aforika Borwa.
<fn>boabab_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a itshupileng tshebetsong molemong wa setjhaba. Tshebetso e tlotlwang ke e fetisang tsohle tse tlwaelehileng.
Tshebeletso ya setjhaba.
Maemo 3 = Moeletsi wa kgau ya Baobab (Boronse).
Kgau ena e bapiswa le sefate sa Baobab se eleng sefate sa tikoloho ya teropiki sa Afrika. Hore na lebitso lena Baobab le tswa kae ke e meng ya mehlolo le meka ya Afrika. Sefate sena se hlalositswe hangata ho feta difate tse ding tsa Afrika, ka mahlaha-hlaha a sona le mokgwa oo e leng sa bohlokwa kateng ho baahi ba naha. Bothata le matla a sefate sena mabapi le ho hola se supa tsitlallelo le tshebeletso e ikgethang mabapi le Afrika Borwa e tlotlwang ka kgau ena. Hape tshebeletso eo ho fanwang ka yona e netefatsa hore boemo ba Afrika Borwa bo ya hola.
Baobab ke karolo ya bohlokwa kahara difate tsa meru Afrika. Se fana ka dihlahiswa tse etsang diaparo le kgwele, ditholwana bakeng sa dijo le mafura ekasitana le dihlahiswa tse ding tse ngata. Methapo ya sefate sena e tsebahalang, e hlahella kantle ho thusa ho tshehetsa sefate sena se seholo. Se tsebahalang jwaleka kgotla moo ho tshwarelwang dikopano tsa bohlokwa le ho sireletsa ditjhaba tsa Afrika.
Baobab (Baobab or Adonsonia Digitata) - se tsebahalang ka methapo le ho phela nako e telele. Ha se nehelane ka moriti feela le sebaka sa ho tshwara dikopano, empa se boetse se tsheheditse setjhaba.
Setshwantsho se ntlha di robong - setshwantsho se ntlha di robong se supa makala a mangata a fapaneng ao ho ka nehelanwang ka tshebeletso setjhabeng. Setshwantsho sena se boetse se emetse diprofensi tse robong tsa naha.
<fn>designers_sesotho.txt</fn>
Gold Mametja o na le lebitso le letle le hlalosang ditalente tsa hae. Meralo ya ditshwantsho tsa hae e kgethilwe hara meralo e meng e mengata e neng e tlisitswe kamora hoba GCIS Tshebeletso ya Mmuso ya Dikgokahano le Lesedi e etse kgweeletso hore barali ba mabenyane ba fane ka meralo ya ditshwantsho tsa bona bakeng sa Dikgau tsa Naha.
Pale ya Bophelo ba hae e supa letoto la katleho eo a e fihletseng esale hoba a tlohe tekenikonong ya Witwatersrand. Tsena di akga kahare meralo ya dintshwantsho tse sebediswang ke dikhamphani tsa Afrika Borwa ho kenyeletswa dikgau tsa sehopotso tsa gauta bakeng sa marathone wa Comrades.
Jwaleka motho ya ikokobeditseng ya ithobileng o ikutlwa hore ho sebetsana le Dikgau tsa Naha : "Ebile ntho e ntle ka ho fetisisa eo a kileng a etsa. Ka ho ntumella feela hore ke rale ditshwantsho tsena, sena ke tlotlo e kgolo eo naha e mphileng yona". Mametja o sebetsa e le morali wa ditshwantsho tsa indaseteri CSIR (Lekgotla la Diphuphutso tsa Mahlale le Indaseteri) Pretoria. O dula Kempton Park le mosadi le bana ba babedi.
Gareth Smart o itshupile hore ke morali ya hlwahlwa wa mefuta e fapaneng ya ditshwantsho esale hoba a phethele dithuto tsa hae tsa BA Graphic Design (Borali ba Ditshwantsho) Institjhuting ya thupelo ya Midrand. Thuto tsa hae tse ka sehlohong e ne e le 3D Multimedia. Tshebetso ya hae e supa hore o sebeleditse dikhamphani tse ngata ka nako e kgutshwane.
Ho yena sena " ebile monyetla o moholo bophelong ba hae" hore a kgethwe hoba e mong wa barali ba Kgau ya Naha e ntjha.O dula Pretoria mme o sebetsa mosebetsi wa ho rala ditshwantsho a itshebetsa.
<fn>ikhamanga_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a kgabileng makaleng a bonono, botjhaba, dingolwa, mmino, boqolotsi ba ditaba le dipapadi.
Mokgahlelo 3 = Boronse.
Palesa ya Ikhamanga (Strelitzia) e emela botle bo tsotehang bo fihletsweng ke banna le basadi ba behang Afrika Borwa boemong bo phahameng makaleng a boiqapelo, bonono, botjhaba, mmino, boqolotsi ba ditaba le dipapadi.
Dihloho tsa Lydenburg - (bonono) - hloho ya therakotha e emela bonono ba ditshwantsho, bonono ba matsoho, bonono ba kalaneng le terama.
Moropa wa Afrika - o emela botjhaba bohle le bonono, o emela boiphihlelo bo babatsehang ba kgokahano le botjhaba.
Moqhaka/letsatsi - moqhaka o emela kgau e rwalwang ke dibapadi tsa kalaneng, borena le bahlomphehi. Mahlasedi a letsatsi a bontshang matla, tlholo, kganya le mafolofolo, a emela katleho e fihletsweng ka banonono makaleng a fapaneng.
Dikahare tsa kgare kapa mabopo - (thoholetso ya dipapadi) - di emela kananelo ya katleho e fihletsweng mesebetsing e fapaneng ya dipapadi le botjhaba.
Mebila - (phihlelo le katleho) - e bontsha mebila yohle e lebang Afrika, moo bophelo ba Motho bo qadileng teng, e leng se toboketsang tsela e telele e thata e tsamailweng pele ho fihlelwa bokgabane le katleho.
<fn>lengolo_la_ditletlebo.txt</fn>
Mme re tla sebakeng sena ho tla elelliswa setjhaba ka bohlokwa ba mobu jwalokasesebdiswa sa diphethoho le ntshetsopeleRe tla mona ho phethahatsa takatso ya rona ya mengwaha-ngwaha e reng: "Afrika Borwake ya Batho bohle ba dulang ho yona, ba batsho le ba basweu" le polelo e reng "mobuo tla arolelwa bohle ba o sebetsang".
Re tataiswa ke ponelopele ya baholoholo ba rona ya naha e kopaneng, e hlokangkgethollo ya se-morabe, kgethollo ya bong esita le naha e atlehileng ka puso yademokerasi.
Re utlwisisa maemo a tokoloho ao re phelang ho ona, le tiisetso ya Ditokelo tsa Bothojwaleka ha di hlahella Molaotheong wan naha, mme re utlwisisa hape le tsohle tseo reseng re di fumane ho fihlela ha jwale, esita le Lenaneo la Ntshetsopele leo re hopotsengho le kenya tshebetsong dilemong tsena tse leshome tsa jwale.
Ka morero wa ho potlakisa phano ya mobu.
Re ipiletsa ho mmuso ho tsetela diprogramong tse matlafatsang boramapolasi ba batsho ba sa tswa fumantshwa mobu ka ho ba thusa ka tjhelete le disebediswa tsa ho qala kgwebo.
Re kopa ho re ho potlakiswe dithuso tsa ditjhelete ho boramapolasi mme ho thehwe maemo a molao a tla thibela barekisi ba mobu ho hlanohela diqeto tsa bona tsa ho rekisa mobu le thepa.
Re ipiletsa ho dibanka le mekgatlo ya ditjhelete ho nolofatsa melao ya kadimo ya ditjhelete ho dumella Ma-Afrika ho rua mobu ka bongata.
Re mema dikoporasi, ditsi tsa thuto le tse tshwanang le tsona ho nka karolo ntshetsopeleng ya ba batlang ho ba boramapolasi; ho kenyeletswa batjha, basadi le batho ba sa itekanelang; ho nehelana ka tshehetso e eketsehileng ho boramapolasi ba ntseng ba hola.
Re ipiletsa ho mekagtlo yohle e amanang le temo, ho nehelana ka kwetliso ho boramapolasi ba ntseng ba hola ho eketsa tsebo dintlheng tsohle tse amanang le temo, ho kenyeletswa le botsamaisi.
Re ipiletsa ho Lefapha la Temo le Ditaba tsa Mobu ho sebetsa mmoho le makgotla a metse, ho rala leano la ntshetsopeleng e kopaneng ya tshebediso ya mobu o kopanetsweng, ka morero wa ho fihlela thuo le ntshetsopele ya mobu, haholoholo ka morero wa ho ntshetsa temo pele ka hara makgotla a metse.
Re itlama ho theha tshebedisanommoho e keneletseng le ho theha maemo a matle a tshebetso pakeng tsa Boetapele ba Botjhaba le Mmuso.
Re ipiletsa ho mekgatlo e hlophilweng ya temo ho tswela pele ka ho fana ka tshetso ya se-tegeniki ho boramapolasi ba ntseng ba hola.
Re itlama ho theha temo e kopaneng mme e atlehileng Profensing ya Free State.
Rona, batho ba bokaneng mona, ho tswa mekgahlelong yohle ya bophelo, re kenyeletsa mmuso le mekgatlo yohle e emetseng demokerasi e teng kwano Profensing ya rona, re itlama hore batho ba k eke ba nkelwa mobu le meedi e ke ke ya hlola e suthiswa ka bonokwane.
Hapelefatshe le ke ke la hlola le nkwa ka sheshe!
<fn>luthuli_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a bileng le seabo se seholo ntweng ya ho tlisa demokerasi, ditokelo tsa botho, ho bopa setjhaba, toka le kgotso le tharollo ya mathata.
Lejwe le kgutlotharo le emetse disebediswa tsa boholoholo tse neng di sebediswa ke baholo ba rona ho buwa diphoofolo, ho aha metlotlwana leho buwa makoko a diphoofolo ho etsa diaparo.
E emela tjhebelopele ya Morena Albert Luthuli - moetapele e moholo wa ntwa ya tokoloho ebile e le mo-Afrika waho amohela kgau ya Nobel bakeng sa kgotso selemong sa 1961 - hore batho ba Afrika ba kene ka setotswana ntshetsopeleng ya moruo le kahisano Afrika Borwa.
Tekenoloji - e toboketsa ntshetsopele ya dihlahiswa tsa boleng bo hodimo.
Manaka a mabedi - a emetse tjhebelopele ya hae bakeng sa demokerasi, ho hloka kgethollo ya mmala le bong Afrika Borwa.
Difaha - mekgabiso e bontshang botle ba Afrika mme poho ya Afrika e emela matlafatso le katlelho ya batho ba Afrika.
<fn>mapungubwe_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a kgabileng mme a itshupa ka tshebetso e hodimo-dimo.
Mapungubwe: Borena le Setjhaba sa Mapungubwe bo bile teng tikolohong e ka leboya ya naha ya rona dilemong tse sekete tse fetileng. Borena bona bo ne bo ena le tsamaiso e maemong a phahameng ya puso le temo e tswetseng pele. Borena bona bo ne bo hwebisana le dinaha tse hole jwaleka China. Nakong tsa Borena bona, ene ele nako e neng e jwentsha tsebo le bohlale bo phahameng ba motho.
Dikgutlo tse nne tsa lefatshe - di emela katleho ya ma-Afrika Borwa lefatsheng ka bophara.
Letsatsi le tjhabang - tsamaiso e ntjha e tswang Afrika.
Thajana ya Mapungubwe - kamorao ho bonahala lejwana le foforehang la thajana e fumanehang sebakeng se omeletseng se sa fumaneng dipula tse ngata tsa lehlabula. Moo ho epilweng ho bontsha hore bokgoni bo fihletseng sebakeng se neng se le thata ho fihlela katleho.
Tshukudu ya Mapungubwe - setshwantsho se tsebahalang haholo se fumanweng lebitleng moo ho neng ho eptjwa, setshwantsho se tlotsitsweng ka gauta, hodima seo bonahalang e le thupa e betlilweng, ke sesupo sa bokgoni le boiphihlelo bo neng bo le teng boreneng boo.
Lere la Mapungubwe - le hlahang kahara pitsa e phehang gauta ka mahlakoreng, e leng se seng sa ditshwantsho tse fumanweng lebitleng hona sebakeng sena.
Pitsa e kgabisitsweng e phehang gauta - matshwao a ka thoko a tswang pitseng e tsholohang gauta a bontsha tsebo e kgaphatsehang, mahlale le boitsebelo, e leng sesupo sa hore tsebo ya tshepe ke kgale e le teng.
Sebupi (Furnace) - ho supa tlhwekiso le poloko ya bophelo ya mollo, eo e saleng e sebediswa dilemong tsa boholoholo, bakeng sa ho tlisa tswelopele le bokgoni ba tshebetso kahara ditjhaba le ditjhabana.
<fn>media_desk-monthly_topic-domestic_violence.txt</fn>
Tlhekefetso ka Malapeng ke eng?
Mmuso o toboketsa ho fediswa ha ditlhekefetso ka malapeng.
Ebe wena kapa e mong eo o mo tsebang o a hlekefetswa?
Na o tshaba molekane wa hao?
Na molekane wa hao o o thatafaletsa ho bona ba lelapa kapa metswalle?
Na molekane wa hao o kile a o tshosa kapa a sebedisa mantswe a hlabang kapa a ba a thubaka fanetjhara kapa dijana?
Na molekane wa hao o atisa ho o tlontlolla kapa a o hlekefetse ka mantswe mme a o bitse ka mabitso-bitso?
Na o bonahala o itshepa mosebetsing le pela metswalle ya hao empa o be letswalo la ho hlahisa maikutlo a hao ha molekane wa hao a le teng?
Na molekane wa hao o latola hore o a o hlekefetsa kapa o o beha molato wa hore ke wena o etsang hore a itshware kamoo a itshwereng kateng?
Ke hobaneng ha ba hlekefetswang ba sa tswe ka malapeng a bona?
Ke mang ya ka etsang kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso?
Kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso e ka etswa kae?
Ebe kopo e ka etswa neng?
Ha ho hlokehe hore mohlekefetsuwa a phela bakeng seo, a sebetse kapa hona hore a be le kgwebo sebakeng seo lekgotla le leng ho sona ka nako e itseng.
Ha taelo ya tshireletso e ntshitswe, e sebetsa ho phatlalla le naha.
Kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso e ka etswa ho mang?
Mapolesa a na le matla afe dinyeweng tsa tlhekefetso ka malapeng?
Ebang a itlhahisa, lekgotla le tla mamela bopaki ka bobedi. Ho ka nna ha bitswa le dipaki.
Ha makgistrata a se a mametse bopaki kaofela, o tla etsa qeto mabapi le hore a ntshe taelo ya tshireletso kapa tjhe, le hore a fanyehe lengolo la tshwaro.
Mohlekefetsuwa o lokela ho etsang ha ya hlekefetsang a tlola taelo ya tshireletso ho tswa kgotleng la dinyewe?
A se thibele mohlekefetsuwa ho ba le tokoloho ya hoya mosebetsing kapa ho kgutlela hae ntlong eo ba e kopanetseng ya bodulo.
Taelo ya tshireletso e nka nako e kae?
Ho tla etsahala eng ebang mohlekefetsuwa a sa kgone ho lefella taelo ya tshireletso hore e fetisetswe ho ya hlekefetsang?
Mohlekefetsuwa a ka etsa kopo ho tlelereke ya lekgotla la dinyewe ho fumantshwa thuso ya ditjhelete.
E hlophisitswe ke Lefapha la Polokeho ya Setjhaba, Tshireletseho le Bohokedi le kgathallang wena le ba lelapa la hao.
Ebang o hloka tshireletso hang-hang, kopa taelo ya tshireletso ya nakwana lekgotleng. Taelo ena e tla o neha tshireletso ya tshohanyetso ho fihlela letsatsi la mamelo.
Lefapha la Polokeho ya Setjhaba, Tshireletseho le Bohokedi le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, ka kopanelo le Mmuso wa Flemish, Absa mmoho le European Union le ahile Diphaposi tsa Tshehetso ya Diphofu (VSRs) Diteisheneng tse mmalwa tsa Mapolesa ho phatlalla le Provense ya Freistata moo diphofu tsa dikgoka malapeng le tlhekefetso di ka fumanang tikoloho e bolokehileng le e ba hlokomelang ho ba thusa hore ba tshedisehe. O na le tokelo ya ho sebedisa dibaka tsena le tshebeletso e fumanehang mona. Etsa dipatlisiso seteisheneng se haufi sa mapolesa ha o batla thuso.
<fn>mendi_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba entseng mosebetsi o babatsehang wa sebete moo bophelo ba bona bo neng bo le kotsing kapa moo motho a ileng a hlokahala a leka ho pholosa motho e mong, a leka ho sireletsa thepa kahare le kantle ho Afrika Borwa.
Mokgahlelo 3 = Boronse.
Thebe, e entsweng ka letlalo la phoofolo, hangata kgomo, e ya suuwa mme ebe e kgomaretswa hodima ntho e thata e bopehileng jwaleka lehe mme ena le botshwaro ba thupa. Koto le lerumo di tsamaya mmoho le thebe di fuwa baeti ba etelang naha ho tswa dinaheng tsa lefatshe e le letshwao la kamohelo e mofuthu.
Moholodi - Moholodi o fofang ka hodima lewatle moo SS Mendi e tebileng ke sesupo sa meya ya bahale ba shwetseng ntweng. Masiba a moholodi a ne a sebediswa ho tlotla bahale ba neng ba lwana dintwa tse kgahlanong le bokoloniale.
Lejwe la lebenyane le letala - lejwe lena le hlahang kahara dintlha tse tharo le supa tsela moo ho ilo thuswa ba hlokang thuso nakong tsa dikoduwa le mathata a hlahang nako le nako lefatsheng.
Tau - jwaleka letshwao la botle, matla le sebete, matshwao a mehlala ya maoto a yona a maro a bonahala ho potoloha thebe, sena se emetse bolebedi meeding kahare le kantle ho naha ke ma-afrika Borwa a ikemiseditseng a sebete. Dintlha tse tharo tse supileng di bontsha sejalo sa lekgala le babang, e leng sejalo sa Afrika Borwa se emelang boikemisetso, ho phela tlasa mathata ebile e le setlhare.
Koto le lerumo - ho phethela thebe jwaleka matshwao a tshireletso le tlotlo.
<fn>ortambo_sesotho.txt</fn>
Kgau ena e fuwa baahi ba dinaha tsa kantle (Dihloho tsa Dinaha le Mebuso) mmoho le bahlomphehi ba bang ba dinaha tsa kantle. Kgau ena e fuwa ba bontshitseng setswalle ho Afrika Borwa. Ke kgau ya kgotso, tshebedisanommoho, tshehetso le tshehetsano. Kgau ena e supa tshiya ya dikamano tsa matjhaba le ditjhaba-tjhaba.
Kaofela dikgau di na le matshwao a mane: lere la seikokotlelo, betjhe ya molaleng, e nyenyane le e qhwaelwang sefubeng. Kgau ya ho qetela ena le matshwao a mararo: betjhe ya molaleng, e nyenyane, le e qhwaelwang molaleng.
OR Tambo: OR Tambo o bile le seabo se seholo kgolong le ntshetsopele ya mokgatlo wa matjhaba o kgahlanong le kgethollo le apartheid. Hara tse ding ke yena ya thehileng meifo ya pele ya tokoloho Egepeta, Morocco, Ghana, le London. Ona ebile mohato wa pele wa ho kopanya metswalle ya Afrika Borwa lefatsheng ka bophara ka ho netefatsa hore ntwa kgahlanong le kgethollo ka nako tsohle dinaheng tsa matjhaba bakeng sa ho tshehetsa Afrika Borwa e lokolohileng ya demokerasi, kgahlanong le bobe ba kgethollo, kgatello le apartheid.
Majola (mole snake): Noha e etelang masea a sa tswa belehwa. Ha e ba ntshe kotsi kapa ba lelapa mme mokgwa wa ho e leleka ke hore mma ngwana a hamele lebese la letswele ho yona . E etela ngwana ho tla mo hlophisetsa bophelo ba ha a se a hodile. Ke motswalle ebile ke mosireletsi. Setswalle seo e se bontshang ha se bonahale ka ho loka empa ka tshehetso le hoba mmoho bakeng sa ho kgothaletsa katlelho ya ka nako tsohle le bohle ba lelapa. Noha ena ke tshomo ya Afrika ho ya ka moo e hlalositsweng bukeng ya AC Jordan e bitswang "The wrath of the ancestors" Tlhaloso ya buka ena ha e hlalose noha jwaleka sehahabi se kotsi se tjhefu empa e hlahisa tlhaloso e batsi ya Afrika e utlwisisang hore noha ke motswalle mme setho se bohlokwa popong ya tlhaho.
Lere - le betlilwe ka thupa e sootho, ya naha, ke sesupo sa kananelo ya tshehetso le maikemisetso a tshehetso le ho ema mmoho le moamohedi wa yona.
Majola - leihlo le ntjhotjho le hoketsweng kahodimo le ka tlase le bontsha tshehetso e fuwang Afrika Borwa.
Setshwantsho se karolo di nne - se supa kananelo e buwang ka kopano ya meya le matla e fapaneng. s.
<fn>paia_ses.txt</fn>
Ho etsa hore melao e fumanehe habonolo, 'me haufinyane.
<fn>polio-seso.txt</fn>
Kholofalo ya ditho ke bohloko bo bakang ho sa sebetse kapa ho shwa ha ditho tse ding tsa mmele wa ngwana, maoto kapa matsoho, ka nako e nngwe ngwana o lahlehelwa ke bophelo. Kokwanahloko ya kholofalo ya ditho e tshwaetsa ha bonolo ho tloha ho motho e mong ho isa ho emong. Bohloko bona bo hlasela haholo bana ba ka tlasa delimo tse hlano.
Bohloko bona bo etsa hore ditho tsa mmele di fellwe ke tshebetso ka ho panya ha leihlo kapa ho hohleha ho sebedisa matsoho le maoto.
Ho bana ba sa tsebeng ho tsamaya, mme, o tla elellwa ka maoto a ngwana ha a ba monyebe kapa a fokollwa ke matla.
Setjhaba le batwsadi baka thusa ka ho tlaleha ka potlako ngwana e mong le mong ya bontshang matshwao a ditho tse fellwang ke matla e leng, matsoho kapa maoto, ntle le ho lemala.
Mokodi ya nang le matshwao ana o etswa diteko ho molekola hore ha ana bohloko bona.
Batswadi bohle le bahlokomedi ba bana ba tshwanatse ho isa bana ba bona ho fumantshwa marothodi ka delimo tse tshwanetseng.
Kholofalo ya ditho e ka thibelwa.
Kholofalo ya ditho e bakilweng ke bohloko bona e ke ke ya kgutlisetswa morao. Ngwana otla phelo le yona, bophelo bohle ba hae.
Ngwana o sireletsehile ka ho phethahala kgahlanong le bohloko bona ha a fumana marothodi ohle ka nako e tshwanetseng.
Marothodi/kento ha e lefellwe di ahelong tsohle tsa bophelo bo botle tsa mmuso.
Kentelo ke mpho ya bohlokwa yeo re ka e fang bana ba rona.
<fn>puo ya Tonakgolo (final).txt</fn>
Ha ke qale ka ho leboha Ntlo ena e hlomphehang ka ho boela e re neha monyetla ona wa ho ntjhafatsa letsholo la ho isa Lekgotla la Ketso ya Melao bathong. Re tsota bohlokwa ba qeto ya Ntlo ena e hlomphehang ya ho re Lekgotla la Ketso ya Melao le dule metseng le dibakeng tse fapafapaneng ho phatlalla le profensi ena ya rona ya Foreisetata, moo re buisanang ka di-programme tsa mmuso ho fihlela ditabatabelo tsa setjhaba tse hlahellang ho manifesto wa Dikgetho wa ANC.
Ditabatabelo tsena di fetisitswe e le tsa bohlokwa dintlheng tse lokelwang ho phethahatswa ke mmuso. Ho na le ntlha e le nngwe feela e lokelang ho re tataisa bohle - ntlha eo ke ho ntlafatsa maphelo a batho bohle ba rona. Ho bohlokwa haholo hore e be ho dula ha Ntlo ena e hlomphehang ho tlisitswe Botshabelo kajeno.
Botshabe ke lehae la bara le baradi ba ntwa ya tokoloho., mme ho ba ba ngata ba rona re tseba tulo ena ya Botshabelo e le lehae la e mong wa dithakangwaha tsa balwanedi ba tokoloho, mofu Kaizer Sebothelo. Ha motho sheba ka hara Ditho tse hlomphenag tse hara Ntlo ha jwale, ke bona bahlomphehi Dukwana, Makgoe le Oosthuizen, bao mmoho le nna re ileng ra sebetsa le mofu Comrade Kaizer Sebothelo ka 1994. Ba bang ba ditho tse ding mona ba ile ba sebetsa mmoho le Comrade Kaizer Sebothelo ka hara dibopeho tsa African National Congress nakong ya ntwa ya boitseko esita le ka morao ho moo. Mme ke dumela ka hona hore ditho tse hlomphehang di tla utwisisa hobaneng ha re etsa puo ena kajeno kwano;- ke hobane re hopola le ho hlompha mofu Kaizer Sebothelo.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, boholo ba nalane ya tulo ena ya Botshabelo ha e ya ngolwa fatshe. Botshabelo e hlaloswa e le 'motse o moholo ka ho fetisisa Foreisetata yohle, mme ho thwe ke lekeishene le latelang Soweto ka boholo Afrika Borwa. Empa hona ha ho hlahise taba ya hore dilemong tse 32 tse fetileng mmuso wa apartheid o ile wa lahlela batho ba rona tulong ena e neng e bitswa Onverwacht. Ho na e ne e le karolo ya leano le soto la apartheid la ho tlosa batho ba buang Sesotho Thaba Nchu nakong eo e kenyeletswang ho se neng se bitswa boipuso ba Bantustan kapa lehae ba batho ba batsho la Bophuthatswana.
Batsamaisi ba apartheid ha ba a ka ba tlisa batho ba buang Sesotho feela mona tulong ena, empa ba bile ba ba ba etsa tulo ena karolo ya homeland ya Qwaqwa. Le ha ho le jwalo batho ba rona ka bongata bo boholo ba ile ba lwana ya kgumamela ho ipelaetsa le ho hanana le maano a apartheid le taba ya ho hokelwa ha tulo ena ho Qwaqwa.
Bongata bona ba batho ba tulo ena bo qetelletse bo e bitsa Botshabelo, mme ba ile ba e fetola lepatlelo la ntwa moo dira tsa ntwa ya boitseko di neng di sa fumane sebaka teng. E bile yona ntwa ena e ileng ya hlahisa bahale ba tshwanang le Kaizer Sebothelo le letlobo kapa generation ya hae ya di-activists tse ileng tsa bapala karolo e kgolo ntweng ya tokoloho.
Ena he, ke yona pale e sa ngolwang ya Botsahbelo, eo re lokelang ho e bokeletsa mme e ngolwe fatshe hore meloko e tlang e tle e tsebe ho utlwisisa hore hobaneng sebaka sena se ile sa bitswa " Botshabelo", hore ka hona meloko ya ka moso e tle e tsebe ho aha le ho betla pale ya tulo ena hodima nnete.
E, nnete ke hore mmuso wa profensi o hatetse pele ho fetola sebaka sena sa Foreisetata kamoo Comrade Kaizer a neng a se tseba se le ka teng. Ha re phahamisa maemo a ho kenya tshebetsong leano la ntjhafatso ya makeishene ka tlasa Operation Hlasela, Botshabelo e kenyeleditswe e le e nngwe ya bohlokwa selemong sena se setjha sa ditjelete. Hona ho tla thusa ntlafatso ya momahano ya tsamaiso ya di-programo le di-projeke tse tlang ho nna ho ntshetswa pele ke mafapha a fapafapaneng selemong sena se setjha sa ditjhelete.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, re amohetse kgweheletso ya President Zuma ya hore 2010 ke : "Selemo sa Tshebetso". Lefapha la Tonakgolo le tla etella pele "Selemo sena sa Tshebetso", e le ha le ntshetsa pele boikarabelo ba lona bo ka sehlohong ba ho ntlafatsa tshebetso ya mmuso ka ho eketsa momahano le tshebedisanommoho ka hara mmuso, taolo ya tshebetso ya mmuso esita le ho itehanya kapa ho buisana ho ntlafetseng le setjhaba.
Mmuso wa provense ya Freistata o entse meralo e kenelletseng ya ho ntshetsa pele dikarolo tse ka sehloohong tse 7 le diphetho tse 12 tse hlwailweng, ho ba le diphihlello tse bonahalang. Tse hlokwang ho fihlella diphihlello tsena le diphetho tse hlwailweng, di se di tiisitswe le ho ikamahanya le Bili ya Taolo ya ditjhelete tsa Mmuso, le ho imatahanya le dipuo tsa ditakenyetso tse amehang ka Lekgotla la Ketsamelao. Ona ke mosbetsi oo re tshwaraneng le ona hajwale.
Ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso o ikamahantseng le diphetho, leha ho le jwalo, ha o so ka o fetolelwa ke Lefapha la Taolo ya Ditjhelete le ho kenyelletswa ka hara mokgwa o mawala le meralo ya tshebetso ya selemo le selemo. Leha ho le jwalo, Freistata, kantle le pelaelo, e tla be e itokiseditse ho ikamahanya le mekgwa e metjha e lebelletsweng ya meralo, e tlang ho sebetsa ho tloha ka Mmesa selemong se tlang.
Mohlomphehi Sepikara, Lefapha la Tonakgolo le sa ntse le tshwarane le mosebetsi wa kahobotjha ya tlhophiso ya tsamaiso e ka sehloohong le taolo ya tsamaiso boemong bo tlase ka hara mmuso wa provense. Mokgahlelo wa pele wa mosebetsi ona o se o phethetswe. Hajwale re ikopantse le Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso ho netefatsa boikamhanayo ba provense le diphetho tsa Tsamaiso ya Naha ya boemong bo ka sehloohong ya Projeke tsa Mmuso, e ileng ya etellwa pele ke Letona Ofising ya Mopresidente, le ikarabellang ho Peholeihlo ya Tshebetso le Tekolo.
Re lokela ho mamela keletso ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso, kaha le re lemosa hore j boikamahanyo ha bo bolele ho phethaphetha feela dipopeho tse boemong ba naha. Ke kahoo re ke keng ra kenya tshebetsong tse neng di lebelletswe pejana kaha re tlameha ho fana ka sebaka bakeng sa mosebetsi ona wa boikamahanyo. Mosebetsi ona o lebelletswe ho phethelwa selemong se tlang sa ditjhelete. Seabo sa diphetoho tse lebelletsweng popehong ya tsamaiso ya Lefapha la Tonakgolo ha e so hlahiswe ka hara ditekanyetso tseo re di tekang ka pela Ntlo e hlomphehang kajeno.
Ho lokelwa ho elwa hloko hore Lefapha la Naha la taolo ya Ditjhelete le se sa ntse le sebetsana le tshebetso ya ho ikopanya le Mafapha a a robong a provense a Ditonakgolo, mabapi le sebopheo sa jwale sa ditekanyetso. Sena se ka boela sa ba le seabo popehong ya ditekanyetso ya Lefapha la Tonakgolo ho tloha selemong sa 2011/2012 sa ditjhelete.
Hajwale, ke tla fetela pele ho bua ka mananeo a ditekanyetso a Lefapha.
Kabo kaofela ya ditekanyetso ho Lefapha la Tonakgolo selemong sa 2010/2011 sa ditjhelete ke R167.942 miliyone.
Lenaneo la 1: Tsamaiso le abelwa R45.
Lenaneo la 2: Kakofiso ya Ditheo e abelwa R62.227 Miliyone.
Lenaneo la 3: Leano le Puso le abelwa R60.094 Miliyone.
Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang, Programme ena ka sehlohong e tsepamisitse maikutlo tshebetsong ya Premier le Lekgotla Phethahatso, hore mosebetsing wa bona ba fumantshwe tshehetso e phethahetseng e nang le boitsebelo ho tsa tsamaiso le tshehetso esita le tsamaisong le taolong ya ditjhelete.
Hara tse ngata, lenaneo lena le tla hle le tiise tshebetso ya Ofisi ya Premier le ho nehelana ka tshebeletso ya tshehetso ho Premier le Lekgotla la Phethahatso.
Foreiseta. Lenaneo lena le boetse le nehelana ka tataiso e mawala le keletso dintlheng tse amanang le kakofiso ya ditheo, tshireletso, dikotsi, Bolekodi le tsamaiso ya ditjhelete.
Lekgotla la Boeletsi la Tonakgolo, le tla qala ka mosebetsi wa lona selemong se setjha sa ditjhelete. Sepheo se seholo sa Lekgotla la Boeletsi ke ho nehelana ka keletso e lokelang ho Tonakgolo dintlheng tse ngata tse kenyelletsang, ka ho toba dikarolo tsa rona tse ka sehloohong. Ho lebelletswe hore keletso e tla hlwhiswa ho tswa diphuputsong le manollong, ho ikamahantswe le mekgwa ya stshebetso ya pejana , ya jwale, le e ntseng e hlahella boemong ba naha le ba matjhaba, ele tshebetso e hlwahlwa ya ntshetsopele ya leano le ntlafatso ya neheletsano ya ditshebeletso.
Mohlomphehi Sepikara, ke motlotlo ho tlaleha hore re kgonne ho theha Yuniti ya Bokenadipakeng ya Tonakgolo, e ikarabellang bakeng sa Mohala wa Thuso e Potlakileng ya Mopresidente. Yuniti ya Bokenadipakeng ya Tonakgolo e ikarabella mesebetsing e mengatanyana ya sehlooho e kenyelletsang tsamaiso ya Mohala wa Thuso e Potlakileng ya Mopresidente, e sebetsanang le tswantsho ya bobodu le mkga ya tshebetso e bonahalang ya bokenadipakeng ho mananeo kapa diprojeke tsa mmuso wa provense tsa hlokang thuso e ikgethileng ho tswa Ofising ya Tonakgolo. Yuniti ena ya Bokanedipakeng e tshwana le Yuniti ya Nehelano tya Ditshebeletso e ileng ya thehwa ke Ofisi ya Mopresidente. Hantlentle, Yuniti ena ya Bokenadipakeng e tla rarollla diteihiso le ho ntsetsa pele mananeo a bonahalang le a bonolo molemong wa mafapha ho tswela pele ho kenya tshebetsong nehelano e potlakileng ya ditshebeletso.
Puong ya Boemo ba Provense, ke ile ka hlakisa maikemisetso a rona a ho matlafatsa ditshebeletso tse leng teng tsa mehala ya thuso e potlakileng ka hara provense, ho biopa mohala o le mong wa thuso e potlakileng, o tlang ho tsamaiswa ke Setsha sa Disthebeletso tsa Mehala ka hara Lefapha la Tonakgolo. Ho arabela ka potlako dintlheng tse tlang ho fetiswa ka Mohala wa Thuso e Potlakileng Ofising ya Mopresidente, ho itshetlehile tshebedisanong eo re tla e fumana ho tswa mafapheng a mang a provsene, hammoho le bomasepala ba lehae le ba ditereke. Ho thakgolwa ha Foramo ya Bahlanka ba Lehokedi le Setjhaba e tla akofisa kgokahanyo ya rona haholo le matsapa a rona a tshebedisano ho netefatsa hore re arabela hantle tharollong ya ditletlebo tsa nehelano ya ditshebeletso, nakong tse behilweng.
Ofisi ya Tonakgolo e boetse e na le boikarabelo ba ho sebetsana le ho kenya tshebetsong mokgwa o mawala wa mmuso wa provense wa twantsho ya bobodu. Tse ding tsa dintlha tsa rona tse ka sehloohong tse mabapi le tswantsho ya bobodu di totobaditswe ka hara Puo ya Boemo ba Provense. Ho feta mona, Ditho tse hlomphehang di tla ananela hore mosebetsi wa rona ntlheng ena o tla tswela pele ho angwa le ho botjwa ke kgatelopele e tswellang boemong ba naha. Tabeng ena , dintlha tse pedi di lokela ho hlakiswa. Ya pele e amana le Komiti ya Tshebedisano ya Matona ya Twantsho ya Bobodu e eteletsweng pele ke Letona Collins Chabane, e ileng ya thehwa selemong se fetileng. Ntlha ya bobedi ke e amanang le ho thehwa ho lebelletsweng ha Yuniti ya Twantsho ya Bobodu ya Mekgatlo ya Setjhaba. Mosebetsi o seng o entswe ke Komiti le Yuniti hammoho le dikgothaletso tsatsona di ka ba le seabo mokgweng oo re sebetsanang ka ona le twantsho ya bobodu.
Mohlomphehi Sepikara, selemong se tlang sa ditjhelete, Lefapha le tla tswela pele ho sebetsa mmoho le ofisi ya Molekodi-kakaretso le Lefapha la Provense la Taolo ya Ditjhelete, e le ho matlafatsa bokgobni ba lona ba tsamaiso ya ditjhelete. Ka tsela eo, ho tla ba le tshehetso e tswellang ho mafapha ao a mmuso a tswelang pele ho fumana ditlaleho tsa ditjhelete tse bontshang moo ho kgetshemetsweng teng. Leha ho le jwalo, ke tlameha ho hlakisa hore lefapha la Tonakgolo, dilemong tse fetileng le ile la nna la fumana tlaleho ya bolekodi ba ditjhelete e neng e se na dipha. Hona ke mohlala o motle wa boetapele, leha ke tlameha ho dumela hore diphihlello tsa Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setho le Boikgathollo, Dikgaung tsa 2009 tsa SAIGA, di behile mohlala o motle oo bohle re lokelang ho tswela pele ho o fihlella.
Tlhokeho ya ho matlafatsa Yuniti ya Taolo ya Dikotsi le Yuniti ya Bolekodi ba Kahare, e ile ya hlwawa mme ho tla sebetsanwa le yona selemong se tlang sa ditjhelete. Maikemisetsong a rona a ho sebetsa ho feta mona , Komiti ya Bolekodi ba Kopanelo e tla thewa pakeng tsa Ofisi ya Tonakgolo. e Lefapha la Provense la Taolo ya Ditjhelete. Mosebetsi wa ho kgetha Komiti ena Ya Kopanelo ya Bolekodi ba Ka hare, o se o qadile.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, re itse re batla ho aha puso e tsotellang. Hore seo se phethahale re hloka ho etsa bonnete ba hore basebeletsi ba mmuso ba amohela le ho kenya tshebetsong ka ho phethahala letsatsi le letsatsi dintlha tsa tayo ya "Batho Pele". Re lokela ho theha tlwaelo ya ho sebetsa ka thata, ho ba le moya wa ho tsotella le boikarabelo. Mme ka ho tshwana, re tla phahamisa mosebetsi o etswang ke karolwana e bitswang Provincial Customer Care and Service Delivery, eo e tlang ho etsa di-report ka mehla ho Lekgotla la Phethahatso kapa Cabinet. Ho feta moo etsa bonnete ba hore ho behwa batho ba loketseng ba tlang ho sebetsa e le frontline staff, mme moo ho hlokahalang e be ho kwetliswa basebetsi ba itseng ho tayo ya "Batho Pele".
Maikemisetso a mawala a lenaneo lena ke ho tataisa le ho hokahanya Mafapha a Provense mabapi le mesebetsi ya tshehetso ya ditshebeletso tse phatlalletseng tsa kgwebo.
Mohlomphehi Sepikara, mokgwa o motjha wa tshebetso o ikamahantseng le diphetho, o ileng wa phatlalatswa ke Ofisi ya Mopreseidente, o bontsha hore basebetsi ba nang le bokgoni ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tsa katleho e hlokehang hore re kgone ho fihlella dintlha tse ka sehloohong tsa mmuso. Ke kahoo ho leng bohlokwa hore re tswele pele ho ananela basebetsi ba rona le ho ntshetsa pele bokgoni ba bona ba ho ithuta, ho etella pele le ho tswela pele maemong a dulang a fetoha.
Hore re fihlelle tebelllo ena, Setheo sa Thupelo le Ntshetsopele ya Freistata, ka tshebedisano le diSETA tse amehang, Ditsha tsa Thuto e Phahameng, se tla kenya tshebetsong mananeo a thupelo a tobileng ho akofisa boitsebelo ba seprofeshenale hammoho le boetapele bo tiileng le bokgoni ba botsamaisi. Tjhebobotjha ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Batho e tla bopa motheo o tsitsitseng bakeng la moralo wa basebetsi o ikamahnatseng le ditlhoko tsa ntshetsopele le phihlello ya ditebello tsa tshebetso.
Tsela eo mmuso o ntshang dithuso tsa bursary ka yona, ke mokgwa o mong oo mmuso o thehang mohlodi wa ho fumana basebeletsi ba mmuso ba ka moso. Baithuti ba 247 bao mmuso o ileng wa ba thusa ka ditjhelete, ba qetile dithuto tsa bona selemong se fetileng, 2009. Batla hirwa e le basebeletsi ba dinako tsohle mafapheng a fapafapaneng moo ho nang le dikgeo tsa mesebetsi teng. Ba bang bona batla nkwa e le basebetsi ba ithutang mosebetsi, internship, mme ba 10 ba bona batla iswa Lefapheng la Tonakgolo.
Ho feta mona Lefapha la Tonakgolo, le tla tataisa mmuso ka maano a shebileng ho thibela ho lahlehelwa ke basebeletsi ba mmuso. Hona ho tla kenyeletsa ntshetsopele ya Mehlodi ya tsa Botho, Human Resources, e le ho ntlafatsa tlhahiso le phano ya ditshebeletso Foreisetata.
Motsamaisi wa Dipuisano, ntlha e nngwe e ntseng e nngongorehisa haholo ke ho fokola ha Lenane la Dithuso ho Basebetsi, Employee Assistance Programme (EAP) ka hara mmuso wa Profensi ya Foreisetata. Taba ena etla shebisiswa haholo ka ha ke enngwe ya mamaneo a reretsweng ho theha maemo a matle mosebetsing.
Kei le ka tshwara dipuisano le di-union tsa basebetsi jwaloka NEHAWU le PSA, e le ho tiisa maqhama pakeng tsa mmuso le mekgatlo ya basebetsi.
Selemong se setjha sa ditjhelete, ke ikemiseditse ho tswela pele ho buisana le di-trade unions ho ba fa monyetla wa ho kena dipuisanong le mmuso ditabeng tse amang ditho tsa bona esita le maemo a tshebetso ka kakaretso a basebeletsi ba mmuso Foreisetata.
Ke tshepa hore re ka nna ra qala le mekgwa kapa ditsela tsa tsamaiso ditabeng tse amang basebetsi, mekgatlo ya basebetsi le mmuso. Mohato ona o tla be o eketsa dipusano tse ntse di le teng le mekgatlong ya baserbetsi ho Provincial Bargaining Council.
Selemong sena sa ditjhelete kentse tshebetsong le bolekodi ba ditlhoko tsa mmuso tsa Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding. Diphetho tsa bolekodi bona di bontshitse ka ho hlaka hore mmuso o sebedisa mananeo a fapaneng a disediswa tsa dikhomphyutha, tse eseng ka nako tsohle di sebetsang le tse ding mme ka nako tse ding di thulana. Phephetso e nngwe e hlwailweng e amana le phumantsho ya thepa ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding, e neng e sa hokahanngwa hantle mme ka nako tse ding e ileng ya lebisa ho ho kwalwa ha dikontraka tseo ho tsona mmuso o neng o sa une melemo e lebelletsweng. Kahoo, Lefapha la Tonakgolo le tla bapala karolo e matla kgokahanyong ya ntshetsopele ya leano la Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding mme le tla eletsa mafapha hantle mabapi le tsela eo mmuso wa provense p rerileng ho e latela mabapi le ditlhoko tsa Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding. Ntlha e ka sehloohong ya morero ona e tla ba ho netefatsa hore mmuso o una boleng bo hodimo ba tjhelete ho tswa mehoding eo o e abelang karolo ena ya bohlokwa.
Selemong se fetileng, re ile ra phatlalatsa hore re rerile ho bokanya ditshebeletso tsa semolao. Jwaloka mohato wa pele, ho tla ba le bolekodi ba dintlha tse kgahlano kapa tse dumellanang le mmuso wa provense ho bokella ditshebeletso tsena ka hara Lefapha la Tonakgolo. Re boetse re ntlafaditse kgokahanyo ya rona ka baeletsi ba molao mafapheng a fapaneng a mmuso wa provense ra ba ra eketsa le bokgoni ba ho arolelana tsebo le boitseblo dintlheng tsa bohlokwa tsa molao.
Mohlomhpehi Sepikara, jwaloka karolo ya ho ntlafatsa bokgoni ba dikgokahanyo tsa mmuso, re se re arohantse mesebetsi ya Sebuledi sa Mmuso le Molaodi ya ka Sehloohong wa Dikgokahanyo. Khiro mesebetsing ena e mmedi e sa tswa etswa. Sena se tla etsa hore hara tse ding, Dikgokahanyo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong, bo tsepamise maikutlo ho Bolaodi bo ka Sehloohong bo nehelane ka tataiso e hlokehang e mawala ho dikgokahanyo tsa provense, ho ntshetsapele le ho tsebahatsa boitsebiso ba kgwebo ba Mmuso wa Provense ya Freistata le ho nehelana ka ditshebeletso tse akaretsang tsa dikgokahanyo.
Moralo o Mawala wa Provense wa Dikgokahanyo, ho kenyelletswa le Lenaneo la tshebetso la selemo le selemo la tshebedisano ya mebuso le mafapha, o ntse o botjwa hajwale Meralo ena e bohlokwa haholo ho tlisa momahano ho dikgokahanyop tsa mmuso. Sena se tla ntlafatsa le ho atolosa kutlwisiso ya mosebetsi wa mmuso wa provense. Tjhebobotjha ya dipopeho tsa rona tse teng hajwale tsa dikgokahanyo, le yona e ntse e tswela pele ka sepheo sa ho theha Yuniti e Bohareng ya Momahanyo ya Dikgokahanyo le Setsha sa Provense sa Ditshebeletso tsa Masedinyana. Dipopeho tsena di reretswe ho netefatsa hore re theha mehato e tshwanang ya ho hlophiosa matsholo a dikgokahanyo ka kopanelo boemong ba provense le ba bomasepala. Re tla boela re sheba kgonahalo ya ho kenyeletsa seabo sa mafapha dipopehong tsena jwaloka Ditumellano tsa Tshebetso bakeng la batkgathatema bohle ba provense ba dikgokahanyo. Maikemisetso a rona ntlheng ena a tla lebiswa ho netefatseng hore re sebetsa ka matla ho fihlella sephetho se lebelletsweng sa baahi ba matlafaditsweng, ka tsela e hlokang leeme, le ba nang le seabo ka ho otloloha.
Mohlomphehi Sepikara, lenaneo lena le tla shebana le momahanyo le ho boikamahanyo ba tshebetso tsa mafapha le bomasepala ho fihlella dipehelo le dintlha tse ka sehloohong tsa Mmuso wa Provense ya Freistata.
Peholeihlo ya Mmuso e Phatlaletseng le Tekolo.
Mosebetsi o moholo wa mananeo ana ke ntsehtsopele e momahaneng ya maano a mmuso, meralo le kgokahanyo. Sena se kenyelletsa le moralo o momahaneng wa provense, diphuputso, peholeihlo le tekolo, dikamano pakeng tsa mebuso le matjhaba, mananeo a maholo a mmuso le demokrasi e dumellang bohle ho ba le seabo.
Mohlomphehi Sepikara, kananelo ya dintlha tse supileng tse ka sehloohong le diphetho tse 12 di etsa hore ho be le bohlokwa ba tjhebobotjha ya Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata. Ho netefatsa boikamahanyo le momahanyo dikarolong tse 3 tsa mmuso, le ho akofisa bokgoni ba meralo, re tla ba le tshebetso e kenyelletsang dikarolo tsohle tsa setjhaba sa rona. Tjhebobotjha e tla boela e fana ka matla tshebetsong ya diphetoho meralong ya nako e telele eo re batlang ho ikakgela ka setotswana ho yona re le naha.
Lefapha la Tonakgolo le tla etellapele tshebetso ena ho netefatsa hore bolekodi ba naha yohle ya provense e leng teng bo etswa selemong se setjha sa ditjhelete. Tlhahisoleseding ya mantlha e se e le teng bakeng la diphuputso tsena. Sena se tla etsa hore mmuso wa provense hore o akofise bokgoni ba ona ba meralo mme sena e tla e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tse tlang ho fepela tjhebobotjha Moralo wa Ditshebeletso wa Dibaka wa Provense ya Freistata, tse tlang ho kenngwa tshebetsong. Re na le maikutlo a hore Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata le Moralo wa Ditshebeletso wa Dibaka wa Provense ya Freistata, di tlameha ho totobatsa diphetho tsa ntshetsopele ya mmuso nakong e kgutshwane, e mahareng le nako e telele. Ho tla boela ho eba le matshwao a moruo wa provense a tlang ho hokelwa morerong ona.
Mafpha ohle a mmuso, bomasepala le mafapha a mmuso wa naha a sebetsang ka hara Freistata, a tla lebellwa ho amahanya meralo ya ona le mananeo ho Moralo o ntlafadistweng wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata.
Lefapha la Tonakgolo le tla boela le etella pele mosebetsi wa ho thehwa ha Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso.
Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Mekgatlo ya Setjhaba e tlang ho etellwa pele ke Mohlomphehi SLP Makgoe mme e tla hokahanya mafapha a provense a kang la Thuto, Bophelo bo Botle, Ntshetsopele ya Setjhaba, Ditshebeletso tsa Mesebetsi ya Setjhaba & Ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, Dipapadi, Bonono, Setho & Boikgathollo hammoho le la Temo. Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso, e tla shebana le diphetho tse ka sehloohong tsa Thuto ya Boleng ya Mantlha, hammoho le Bophelo bo bolelele le bo Botle ba Maafrika Borwa ohle.
Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Ditshebeletso tsa Polokeho ya Setjhaba, e tla hokahanya mafapha a provense a kang la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang, Thuto, Ntshetsopele ya Setjhaba, le Temo, mme e tla etellwa pele ke Setho sa Lekgotla la Phethahatso SLP: Qabathe. Sephetho se ka sehloohong: " Batho bohle ba Afrika Borwa ba bolokehile" e tla ba boikarabelo ba mantlha ba Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso.
Mafapha a provense a Ntshetsopele ya Moruo, Bohahlaudi & Merero ya Tikoloho, Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang, Mesebetsi ya Setjhaba & Ntsetsopele ya Dibaka tsa Mahae, Temo le Bodulo ba Batho, di tla bopa Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Ntshetsopele ya Moruo le Dibaka tsa Mahae, le Ntlafatso ya Meralo ya Ditshebeletso. Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso e tla etellwa pele ke SLP Manyoni.
Setho sa Lekgotla la Phethahatso SLP se ikarabelang ho Ditjhelete se tla etella pele Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Bodulo ba Batho, e tlang ho hokahanya mafapha a provense a kang la Provense la Taolo ya Ditjhelete, Lefapha la Tonakgolo, Puso ya Kopanelo, Boetapele ba Setso le Bodulo ba Batho, Dipapadi, Bonono, Setho le Boikgathollo le la Bophelo bo Botle.
Bophethahatsi ba puso ya selehae e arabelang, e nang le bokarabelo, le e e sebetsang.
Tshebeletso ya setjhaba e sebetsang, e matla, le e itshetlehileng ho ntshetsopele le boahi bo matlafetseng, bo hlokang leeme, le bo kenyelletsang bohle.
Mohlomphehi Sepikara, ho lokelwa ho hlakiswa hore Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso ha di tlo botjwa feela ke mafapha a provense. Bakgathatema ba tlatsetso ba tla kenyelletsa ditheo tsa setjhaba provenseng hammoho le tsa boemong ba naha, tse teng ka hara Provense ya Freistata.
Re boetse re lokela ho toboketsa ho kenyelletswa ha setjhaba, haholoholo mekgatlo eo eseng ya mmuso, mekgatlo ya baahi le mekgatlo ya ditumelo tse fapaneng, jwaloka bakgathatema ba bohlokwa ho fihlela diphetho tsena. Sena se ka etsahala ka mokgwa o bonahalang ka ho sebedisa mohlala wa hore Makgotla a Tsamaiso ya Dikolo ke bakgathatema ba bohlokwa ho netefatsa hore re nehelana ka diphetho tsa Thuto.
Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla nka sebaka sa mokgwa o ntseng o sebetsa wa dihlopha tse bopilweng ka mafapha a mmuso, wa ditlelasta. Foramo ka nngwe ya Nehelano ya Ditshebeletso e tla bopa Tumellano ya Nehelano ya Ditshebeletso tse tlang ho bontsha nyehela ya mokga ka mong ho fihlella diphetho ka tlhahisoleseding e mabapi le ditekanyetso, ho kenngwa tshebetsong ha dinako tse beilweng le kabo ya basebetsi. Diforamo tsenne tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla ba le boikarabelo ba ho netefatsa hore mananeo a bonahalang a kenngwa tshebetsong ho netefatsa hore mmuso wa provense ya Freistata o phethahatsa maikarabelo a ona, ho latela diphetho tse 12 tse hlwailweng.
Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla boela di bopa morero o nikgethang wa Yuniti ya Nehelano ya Ditshebeletso ho sebetsana le dintlha tse sitisang phano e nepahetseng ya ditshebeletso. Di tla sebetsa mmoho le ditheo tsa nehelano ya ditshebeletso tse amehang ho tlosa ditshitiso tseo. Mesebetsi ya tsona e tla theha dipopeho tsa ho ntlafatsa nehelano ya ditshebeletso tse ka latelwang ke ba bang. Mosebetsi wa ho kenya tshebetsong Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso o reretswe ho qala ka Mmesa.
Mohlomphehi Sepikara, ntlha e nngwe ya bohlokwa ya matsapa a rona a kgokahanyo e matlafetseng le e ntlafetseng, e kenyeletsa bomasepala ba lehae le ba ditereke. Foramo ya Kgokahanyo ya Tonakgolo e sebetsa hantle haholo. All Bomajoro kaofela le Batsamaisi ba Bomasepala ba ba le seabo foramong ena ya bohlokwa ya tshebedisano pakeng tsa ditheo tsa mmuso moo dipuisano tse ahang mananeong a phatlaletseng a mmuso a etsahalang teng. Foramo ya Tonakgolo ya Kgokahanyo e ile ya kopana ka Hlakola ho shebana le mokgwa wa tshebetso o itshetlehileng ho diphetho wa lenaneo la tshebetso la mmuso le la provense. Ke motlotlo ka ho tiisa hore meralo e ileng ya tekwa ke mafapha a fapaneng a mmuso wa provense ho Ntlo ena e hlomphehang, nakong ya puo ya ditekanyetso, e se e ile ya kgothaletsa bomasepala ho tshehetsa ho phatlalla le Provense ya Freistata.
Re tla thakgola Letsholo la Motlotlo ho Sebeletsa Setjhaba le hokahantsweng ho Lenaneo la Ditshebeletso tsa Batjha, le tlang ho shebana le ho hokahanya batjha tlhwekisong ya mabitla, meaho ya setjhaba, le dibaka tse bulehileng tsa setjhaba. Batjha ba tla beng ba tswa lenaneong lena ba tla hokahanngwa ho Mananeo a Naha a Ditshebeletso tsa Batjha a tsamaiswang ke mafapha a fapaneng a mmuso. Lenaneo la naha la Ditshebeletso tsa Batjha le lebelletswe ho kgothaletsa boitshepo ba naha hara batjha le ho ba aha ka bokgoni bbo hlokehang bo tlang ho ntlafatsa menyetla ya bona ya ho hirwa ha ba ntse ba nehelana ka ditshebeletso tsena tsa bohlokwa dibakeng tseo ba dulang ho tsona le setjhabebg ka kakaretso.
Mohlomphehi Sepikara, Ofisi ya Boemo ba Batho ba nang Boqhwala e kentse tshebetsong mokgwa wa tshebetso o tobileng boqhwala. Puong ya Boemo ba Provense, ke ile ka bolela dintlha tse pedi tse ka sehloohong tseo ho tlang ho sebetsanwa le tsona selemong se tlang sa ditjhelete. Ya pele ke e amanang le boemo ba ba dikolo tsa setjhaba tsa bana ba ikgethang ka hara Freistata ha ya bobedi e kenyeletsa boikamahanyo ba meaho ya mmuso ho maemo a behilweng mabapi le phihlello ke batho ba nang le boqhwala.
Ho feta mona, re tla tswela pele ka mosebetsi wa rona mabapi le batho ba nang le boqhwala bo amanang le kgaello ya pono le kutlo. Re ikemiseditse ho ntlafatsa boikemelo le motsamao o lokolohileng wa batho ba sa boneng ka hara Freistata. Sena se tla fihlellwa ka lenaneo la bolekane le Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Dintja tse Tataisang.
Re tla boela re thusa bana ba kenang sekolo, ba nang le kgaello ya kutlo, ho fumana dithusakutlo. Nehelano ya disebediswa tsena tsa thuso e tla ba le seabo se tobileng ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho ithuta.
Re tla boela re lekole kgatelopele eo re seng re e entse mabapi le ho hira batho ba nang le boqhwala ka hara ditshebeletso tsa setjhaba tsa Freistata. Sena se tla re kgontsha ho elellwa matla le diphephetso tsa mokgwa wa rona wa tshebetso wa jwale le ho nehelana ka tsela eo re ka kenyang tshebetsong diphetohong tse hlokehang.
Re boetse re ikemiseditse ho ntlafatsa maemo a bodulo a mekaubere ya rona ya sesole ka hara Freistata. Bahlolohadi ba mekaubere ya sesole ba se nang matlo ba tla thuswa ho fumana matlo ao ke Lefapha la Bodulo ba batho. Bolaodi bo ka Sehloohong ba Mananeo a ikgethang bo tla hokahanya lenaneo lena le ho ba le dipuisano le mekgatlo e emetseng mekaubere ya sesole.
Mohlomphehi Sepikara, re tla netefatsa hore ditlhoko tsa maqheku di elwa hloko ke mmuso wa rona wa provense. Sena ha se amane feela le mokgwa wa tshebetso wa ho "hola o le mahlahahlaha" oo mmuso o o kentseng tshebetsong, empa re elellwa hore bophelo bo botle ba maikutlo a maqheku bo tlameha ho hlokomelwa. Re elellwa nnete ya hore maqheku a rona e se le bahlokomedi ba bana ba bangata ba rona, hangata malapa a itshetlehile tjheleteng ya bona ya penshene ya boqheku. Diketsahalo tsa tlhekefetso ya mmeleng le maikutlong ya maqheku a rona tseo re kopanang le tsonanako tsohle ha di bontshe setjhaba se tsotellang seo re se ahang. Lefapha la Tonakgolo le tla sebetsa mmoho le la Ntshetsopele ya Setjhaba ho netefatsa ntshetsopele le le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a tlang ho sebetsana ka ho otloloha le thekolohelo ya maqheku ka hara Freistata.
Re tla boela re matlafatse dikamano tsa rona le dinaha tsa matjhaba ka hara meralo ya naha ya ditshebeletso, ya ho tsebahatsa bodiplomate ba moruo Re hlwaile diprovense ka hara People's Republic of China, Thailand, Federal Republic of Germany le dinaha tse fapaneng tsa Ntshetsopele ya Boahisane ba Dinaha tse Afrika e ka Borwa (SADC), ho netefatsa hore provense ya rona e una melemo e meholo maqhameng ana.
Mohlomphehi Sepikara, lefapha la rona le tla boela le hokahanya ditshisinyo tsa mmuso wa provense le Freistata ka bophara, ho leba mosebetsing wa Tekolobotjha ya Bolekane ba Afrika. Ntlheng ena re ile ra bopa botjha Komiti ya Provense ya Tekolobotjha ya Bolekane tlasa bodulasetulo ba Mohlomphehi Seeiso Mohai, SLP se ikarabellang sa Lefapha la Ditjhelete.
Komiti ya bakgathatema e tla botjwa ka mekgatlo yohle ya setjhaba sa rona e le ho netefatsa hore nyehelo ya rona e ba ya nnete ya Freistata e kenyelletsang bohle.. Re ke ke ra swabela ho itekola le ho itshupa moo ho hlokehang, kaha re dumela hore, hore demokrasi ya rona e hole, re lokela ho tshepahala ka borona.
Re etse hloko hore Kabinete e ile ya tshehetsa ho fetisetswa ha Twantsho ya Bofuma ya Naha ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa mahae le Ntlafatso, ho tloha ofising ya Mopresidente. Ditlamorao tsa qeto ena mmusong wa provense di ntse di lekolwa.
Mohlomphehi Sepikara, Lekgotla la Phethahatso le nkile qeto ya ho tlosa kgokahanyo la Setsha sa Ditlhophiso sa Harrismith, ho tswa Lefapheng la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang ho ya ho Lefapha la Tonakgolo. Sena se entswe e le ho akofisa kgokahanyo ya projeke ena. Ke tlameha ho hlakisa, leha ho le jwalo hore Lefapha la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang le Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo, Tikoloho le Bohahlaudi, a tla tswela pele ho ba mafapha a eteletseng pele projeke ena.
Mohlomphehi Sepikara, re tla tswela pele ho tsitlallela hore mosebetsi wa rona ke ho theha maemo a tla fedisa tlala le ho se sireletsehe ha dijo, phokotso ya bonokwane, ho theha setjhaba se phethseng hantle se sa hlaselwang ke mafu, ho theha mesebetsi ya moshwelella, ho ruta le ho kwetlisa setjhaba sa rona. Ka ho etsa jwalo, ke feela mehato e itshetlehileng ho tumellano e tlang ho sebetsana ka tsela e bonahalang, e tlang ho phethahatsa ditebello tsa batho ba Freistata.
Ke kahoo re lokelang ho kgotsofala, kantle le qeaqeo ya letho, hore, Cde Kaizer Sebothelo le balwanedi ba bang ba bangata ba toka ya setjhaba, e bile karolo ya manqosa a botho a entseng nalane le ha nalane e ne iqobella ho bona.. Re tla dula re ba hopola kamehla.
<fn>qwaqwa_background_sesotho.txt</fn>
Ka Phupjane 2001, Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Dilaeborari, Pokello ya direkoto le Theknoloji ba Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setho, Saense le Theknoloji Freistata, bo ile ba atleha ho fumana thuso ho tswa Carnegie Corporation of New York ho ntshetsa pele marangrang a felletseng a ditshebeletso tsa dilaeborari lebatoweng la Qwaqwa, ho tsepamisitswe maikutlo dibakeng tsa mahae.
Projeke e bitswa Dilaeborari tsa Carnegie bakeng la bohle!/Carnegie Libraries for All! Projeke: Tshebeletso ena e Qwaqwa e sa leng e sibollwa nakong ya dilemo tse tharo, e bitswa Ditshebeletso tsa Dilaeborari tsa Baahi Qwaqwa. Ho na le tshebedisano le Lefapha la Thuto mme dikolo di sebedisetswa ho nehelana ka ditshebeletso tsa dilaeborari baahing.
Ho tloha ka Phupjane 2001 ho se ho butswe dilaeborari tse ntjha tse tsheletseng tsa sekolo/baahi mmoho le ditsi tse pedi tse ntjha tsa tlhahisoleseding, Qwaqwa. Laeborari ya Bana le Batswadi e ile ya arohanngwa ho ya ho Balla le Referense (mehlodi e fumanehang bonolo mabapi le tlhahisoleseding e itseng) mane Laeboraring ya Setjhaba ya R J R Masiea.
<fn>qwaqwa_children_sesotho.txt</fn>
Dihora tsa dipale le dipontsho tsa di-video di hlahiswa beke le beke Laeboraring ya Bana le dilaeboraring tsa dikolo/baahi. Lenaneo lena le boetse ke karolo ya lenaneo la ho balla monate la kotara e nngwe le e nngwe la Projeke ya Carnegie. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Ho na le pokello ya dibapadisi tsa thuto Laeboraring ya Bana le dilaeboraring tsa dikolo/baahi. Sepheo ka tshebeletso ena ke ntlafatso ya boitsebelo, eo bana ba e hlokang ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho bala. Bana ba ka bapala ka dibapadisi tsena kahara laeborari moo basebetsi ba rupelletsweng ba ka ba thusang ho di tshwara ka nepo.
<fn>qwaqwa_electronic_information_sesotho.txt</fn>
Phihlello ya Inthanete e fumaneha dilaeboraring tsohle tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa. Sheba diaterese tsa dilaeborari.
Prolib ke lenane la elektroniki le kentseng direkoto tsa disebediswa tsohle tsa laeborari (dibuka, di-cd, di-video, jwalo-jwalo) tse teng thepeng ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng ya Freistata. Tobetsa hodima Mefuta ya Disebediswa ho fihlella dibuka tse itseng, jwalo-jwalo.
Basebetsi ba Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa ba rupelletswe ho thusa mabapi le tsebo ya motheo ya khompyuta. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno ho etsa ditlhophiso tsa thupelo ena.
<fn>qwaqwa_information_services_sesotho.txt</fn>
Na o na le tlhahisoleseding (eo o ka e hlahisang mahala) e ka thabelwang ke baahi ba heno e ka ba thusang?
Na ho na le tlhahisoleseding eo o e hlokang e mabapi le baahi ba heno, mohlala: nomoro ya mohala ya sehlopha sa dipapadi, mokgatlo wa tsa setho kapa ngaka Ka kopo ikopanye le laeborari ya heno kapa o sebedise boto ya Tsebiso e tlase mona. O fumana tshebeletso ena mahala?
Ditshebeletso tsa dipatlisiso tsa tlhahisoleseding tsa dilaeborari tse taolong ya Freistata le tse ka etswang ke motho ka mong.
Ikopanye le Karolotlase ya Ditshebeletso tse Bohareng tsa Tlhahisoleseding tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng ya Freistata mabapi le ditletlebo kapa dikopo dife kapa dife tseo laeborari ya heno e sa kgoneng ho di rarolla. Re tla sebedisa letoto la rona le batsi la dipatlisiso le mehlodi ya tlhahisoleseding.
Ka kopo hopola hore tlhahisoleseding ena e tlameha ho ba ya mahala.
<fn>qwaqwa_libraries_sesotho.txt</fn>
Mantaha: 8h00 - 16h00.
<fn>qwaqwa_main_menu-sesotho.txt</fn>
<fn>qwaqwa_project_activities_sesotho.txt</fn>
Dilaeborari tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa di na le disebediswa tse balehang habonolo thepeng ya tsona bakeng la baithuti ba baholo le ba batjha ba seng ba tseba ho bala le ho ngola. Barupelli ba tsebo ya ho bala le ho ngola ba tshehetswa ka disebediswa tsa referense tse ikgethang tsa ho bala le ho ngola.
Tobetsa mona ho bona mabitso a dibuka tse teng.
Bona ke boiteko ba ho theha mesebetsi bo etswang ke Laeborari ya Bana e Phuthditjhaba moo baithuti ba baholo ba hlokang mesebetsi ba rutwang ho etsa mekotlana e jarwang. Ba rekisa mekotlana ho iketsetsa tjhelete. Ikopanye le Thato Mohaleroe dinomorong tsena tsa mohala: 713 0596 bakeng la tlhahisoleseding.
Dipuisano, dipontsho tsa di-video le diphamfolete tse mabapi le AIDS, Lefuba, Kholera, mafu a Bana mmoho le tshebediso e mpe ya Dithethefatsi.
Mananeo a mane ka selemo, ka tshebedisano le Lefapha la Bophelo bo Botle. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
Lenaneo la ho balla monate le etswa Laeboraring ya Bana mmoho le dilaeboraring tsa dikolo/baahi tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa. Sepheo ka mananeo ana ke ho ntshetsa pele setho sa ho bala le ho phahamisa tshebediso ya dilaeborari baahing. Bakeng la tlhahisoleseding e toma, botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
Lenaneo lena le etsetswa bana le batswadi mme le tsepame dintlheng tse kang dikgoka malapeng, tlhekefetso ka motabo le tlhekefetso e nngwe ya bana, AIDS le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Dipuisano tsa Tataiso ya Batswadi di etswa habedi selemong dilaeboraring tse fapaneng tsa setjhaba. Ho tshwarwa dipuisano tse mabapi le tlhokomelo ya bana le dintlha tsa bophelo bo botle tse amang ngwanahao. Bakeng la tlhahisoleseding e batsi, ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno ya setjhaba.
Batswadi ba na le monyetla wa ho fumana thupelo ya kamoo dibapadisi tsa thuto tse teng Laeboraring ya Bana le dilaeboraring tsa dikolo/baahi di ka thusang ho ntshetsa pele boitsebelo boo bana ba bo hlokang hore hara tse ding e be babadi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Mananeo a sibollotsweng ho tataisa bana, batswadi, baithuti le baahi ka kakaretso hore e be basebedisi ba ikemetseng ba laeborari. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Lenaneo le hlahiswang habedi ka selemo le mabapi le ntlafatso ya moruo le boiqapelo ho tsa kgwebo ka tshebedisano le dikgwebo tsa lehae mmoho le Koporasi ya Ntshetsopele Freistata. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
Lenaneo lena le hlahiswa ka tshebedisano le Setsi sa Boahi, Thuto le Tharollo ya Diqhwebeshano ho tsebisa baahi ka ditokelo tsa botho, demokrasi le boahi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Lenane le tobileng baithuti ba Sehlopha sa 12 baahing.
Ho bapalwa di-video mme ho tshwarwe dipuisano tsa dihlopha mabapi le mosebetsi wa sekolo. Lenaneo le hlahiswa ka Phupu le Loetse nakong ya matsatsi a phomolo. Bakeng la tlhahisoleseding e toma, botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
Mananeo a bonono le setho, ho kenyeleditswe le dipontsho tse etswang ke dibapadi tsa setso le tsa sejwale-jwale, diketsahalo tsa mesebetsi ya matsoho, dipontsho tsa di-video, pepeso ya dibuka le mananeo a ho bala.
Mananeo a mabedi ka selemo, ka tshebedisano le Motsana wa Setho wa Basotho. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
<fn>qwaqwa_reference_service_sesotho.txt</fn>
Pokello e latelang ya disebediswa tsa direferense e teng thepeng ya Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding Provenseng.
Ikopanye le Karolotlase ya Ditshebeletso tse Bohareng tsa Tlhahisoleseding mane Bloemfontein ebang ho na le ditletlebo kapa dikopo tseo laeborari ya heno ya setjhaba e sitwang ho o thusa ka tsona.
<fn>qwaqwa_services_sesotho.txt</fn>
Bo buletswe ditho tsohle tsa baahi. Mahala.
Kopa mosebeletsi wa laeborari ya heno ho o tlatsetsa foromo ya Kopo ya ho ba setho.
Ho hlokahala eng?
Bukana ya hao ya Boitsebiso.
Mabitso le dinomoro tsa mohala tsa metswalle e mmedi kapa ditho tsa lelapa. Ebang o le tlasa dilemo tse 14 tlo le motswadi.
Ka tlwaelo nako ya kadimo ya disebediswa tsa laeborari bakeng la batho ba baholo le bana ke dibeke tse pedi (matsatsi a leshome le metso e mene).
Direferense (mehlodi e fumanehang bonolo mabapi le tlhahisoleseding e itseng).
Dibuka tse sebediswang sekolong.
Ebang disebediswa tsa laeborari tseo o di hlokang di sa fumanehe laeboraring ya heno, kopa mosebeletsi wa laeborari ho o tlatsetsa foromo ya Kopo e Ikgethang. Disebediswa tse hlokahalang di tla koptjwa laeboraring e nngwe Freistata.
Ebang disebediswa tseo o di hlokang tsa laeborari di sa fumanehe laeboraring ya heno kapa thepeng ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari Freistata, Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng di tla leka ho e kadima ditheong tse ding tsa dilaeborari Afrika Borwa ka Mokgwa wa tshebetso wa Dikadimo tse pakeng tsa dilaeborari.
Disebediswa tse theko e hodimo tse sa sebedisweng hangata di bolokwa pokellong e bohareng ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari tsa Provense ya Freistata.
Pokello ena e Bohareng e fumaneha baahing ka thuso ya dilaeborari tsa bona tsa lehae tsa setjhaba ka mokgwa wa ditshebeletso tsa Kopo e Ikgethang.
<fn>qwaqwa_special_events_sesotho.txt</fn>
Beke ya Dilaeborari e ketekwa selemo ka seng ho tloha ka 1988 ho phahamisa ditshebeletso le disebediswa tseo dilaeborari tsa Afrika Borwa di nehelanang ka tsona. Ha jwale sena se etsahala ka Tlhakubele.
Seboka sa Kakaretso sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Thuto, Saense le Setho (UNESCO) se ile sa tsebahatsa letsatsi la 23 Mmesa e le Letsatsi la Lefatshe la Dibuka le Ditokelo tsa Bangodi, ka hona o kgothaletsa bohle, haholo-holo batjha ho sibolla monate wa ho bala le ho lebisa tlotla dibukeng le bangoding lefatshe ka bophara. Letsatsi le boetse le ketekwa ke Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng ya Freistata mmoho le dilaeborari tsa setjhaba tse taolong ya tsona, ho kenyeleditswe le dilaeborari tse Qwaqwa.
Letsholo lena le hlophiswa ke READ ho kgothaletsa ho bala Afrika Borwa. Beke ya Readathon ke ya pele Loetse. Nakong ya letsholo bana le batho ba baholo ba kgothaletswa ho ba le seabo disesheneng tsa ho bala dikolong, dilaeboraring le dibakeng tse ding. Dilaeborari tsa setjhaba Freistata di ba le seabo diketsahalong tsena. Ikopanye le laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
Dilaeborari Freistata di tshehetsa Letsatsi la tsebo ya ho bala le ho ngola ka la 8 Loetse ka diketsahalo tse tsebisang baahi ka disebediswa le ditshebeletso tse teng dilaeboraring bakeng la baithuti ba batho ba baholo.
<fn>qwaqwa_study_facilities_sesotho.txt</fn>
Pokello ya tse balwang laeboraring ya setjhaba e kentse dibuka le disebediswa tse ding tse balwang tse rekilweng ke Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding Provenseng ya Freistata.
Sepheo ka pokello ena ke ho tshehetsa baithuti dithutong tsa bona.
Dibuka tsena di ka sebediswa feela kahara laeborari.
Tobetsa mona ho bona mabitso a dibuka tse teng.
Dibukantswe, di-encyclopaedia, dibuka tse phatlalatswang hang ka selemo, di-atlas, dimmapa tsa ditsela le mebila mmoho le di-directory kaofela ke direferense. Dibuka tsena di sebediswa kgafetsa dilaeboraring mme di theko e hodimo. Direferense tsena di ka sebediswa feela kahara laeborari. Botsa tlhahisoleseding e nngwe ho mosebeletsi wa laeborari kapa o tobetse hodima Tshebeletso ya Direferense ho fumana dibuka tse teng.
Laeborari ya Setjhaba ya R J R Masiea e na le dibaka tsa ho balla tseo baithuti ba ka di sebedisang.
Phihlello ya Inthanete e fumaneha dilaeboraring tsohle tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa. Sheba diaterese tsa dilaeborari. Bakeng la tlhahisoleseding e nngwe e mabapi le ho tseba ka dikhompyuta le ho batlana le tlhahisoleseding Inthaneteng, ka kopo botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
<fn>sesotho (1).txt</fn>
<fn>sesotho (2).txt</fn>
Ho kgetha hantle dijo tseo o di jang ho bohlokowa haholo ho motho e mong le e mong, haholo-holo haeba o phela ka bolwetse bo sa foleng jwaloka TB, Kankere kapa AIDS. Ho ja dijo tse matlafatsang ho tla o thusa ho ntlafatsa matla a mmele wa hao a ho itshireletsa malwetseng a tshwaetsanang, ho eketsa matla a mmele wa hao le hore o ikutlwe o phetse hantle ka nako e telele.
Ho amehilwe haholo ka batho ba phelang ka bolwetse bo sa foleng bo kang TB le AIDS ba jang dijo tse haellwang ke dimatlafatsi hape ba otile. Hangata mafu a tshwaetsanang le meriana e sebedisetswang ho phekola bolwetse e hlahisa matshwao a fellang ka ho ja dijo tse haellang dimatlafatsi le ho ota. Tataiso e latelang e tla thusa motho ya phelang ka bolwetse bo sa foleng ho mamella matshwao a bolwetse le ho thibela ho ja dijo tse haellwang ke dimatlafatsi le hore a se ke a ota.
Leka ho thibela ho ota ho sa hlokahaleng!
Lebese le mafura le dintho tse entsweng ka lebese (lebese la phoofo, mafi, yogathe) di ka kenngwa dijong ho fana ka matla a eketsehileng le diprotheini.
Tshela oli le mafura a kang majerini, botoro le mayonaise dijong tsa hao bakeng sa matla a eketsehileng le ho ntlafatsa tatso ya dijo. Haeba o tsholla kapa o sa ikutlwe hantle ka mora ho ja dijo tse nang le mafura a mangata, leka ho ja mafura le oli e fokolang.
Mero e ka fana ka matla a eketsehileng le ho thusa ho etsa hore ho be bonolo ho kwenya dijo.
Dipakeng tsa dijo tse kgolo tsa letsatsi o je hanyenyane ho tiisa hore o ja ka ho lekaneng.
Jwale re tla bona ditsela tsa ho mamella matshwao a bolwetse a ka nnang a etsa hore o je ka tsela e fokolang le ho ota.
Nka etsa'ng haeba ke se na takatso ya dijo?
Bolwetse, kgatello ya maikutlo, le bodutu di ka etsa hore o fellwe ke takatso ya dijo. Leka ditlhahiso tse latelang ho tiisa hore o ja dijo tse lekaneng hore mmele wa hao o dule o shahlile.
Dijo tse kang tswekere, phoofo ya lebese le oli di fana ka matla a mangata esita le hoja di jewa hanyenyane. Haeba ho ka kgoneha, di akarelletse mefuteng e meng ya dijo tsa hao.
Leka hore o se be mong ha o ja, ho ja dijo le batho ba bang ho eketsa monate wa tsona.
E ja dijo tsa hao tikolohong e phodileng ho etsa hore dijo di be monate haholo (moo ho nang le lehlaso la mmino, o dutse tlasa moriti wa sefate kapa seratswaneng).
O se je feela ka dinako tse itseng tse kgethehileng - e ja ka nako leha e le efe ha o ikutlwa o lapile.
Boikwetliso bo bonolo bo kang ho itlolla maoto bo ka eketsa takatso ya hao ya dijo.
E ja dijo tseo o di ratang haholo - ka ho etsa jwalo ho tla ba bonolo ho ja haholo.
Qoba dijo tse nang le lephuka le matla tse kang kolo le kofi haeba le etsa hore o fellwe ke takatso ya dijo.
Haeba moriana oo o o nwang o fedisa takatso ya hao ya dijo, botsa mosebetsi wa tsa bophelo bo botle hore na o ka nwa moriana o jwalo ka mora dijo.
Na o kgathatswa ke lesokolla le ho kgora seema?
E ja hanyenyane, empa kgafetsa, ho qoba ho tshwarwa hampe ke dijo.
Dijo tse kang dinawa, dieiee, kolo, broccoli, cauliflower le dino-maphodi tsa soda di bopa moya mpeng mme o tlameha ho di qoba ka nakwana.
Dijo ts nokilweng khari e ngata, peperi le dinoko tsa mefuta e meng, hammoho le dijo tse mafura le tse hadikilweng, di baka lesokolla haholo le ho kgora seema.
Ho thusa haholo ho ja butle le ho hlafunisa dijo.
Bonyane o ka robala ka mora hore ho fete dihora tse pedi o jele.
Jwala, kofi, peparemente le tjhokolete di ka nna tsa hodisa lesokolla mme ka lebaka leo di tlameha ho qojwa.
O se sebedise sekarete le ho tsuba. Ho ka hodisa lesokolla mme hape ha ho molemo bakeng sa bophelo ba hao bo botle.
Leka ho nwa dino tse mokedi-kedi tse ngata jwaloka metsi a hlwekileng le tee. Leka ho nwa dino tse mokedi-kedi dipakeng tsa dinako tsa dijo tse kgolo mme e se be nakong eo o jang ka yona kapa pele ho dijo, kaha hona ho ka etsa hore mpa ya hao e tlale hoo o sa tshwareheng hantle.
Ho mamella ho feroha sebete le ho hlatsa...
Hangata ho nwa meriana ho etsa hore motho a ferohe sebete le ho hlatsa.
E ja dijo tse nyenyane kgafetsa - haeba mpa e le lephako ho bonolo ho feroha sebete.
Ema ho fihlela o le betere pele o qala ho ja, empa o se tlodise ho ja.
Qoba dijo tse nokilweng haholo le tse mafura.
E ja dijo tse nokilweng letswai hanyenyane le tse omisitsweng tse jwaloka bohobe bo omisitsweng, toustu, dikuku tse kang dibisekiti tse nang le letswai hanyenyane le di-cereale tse ommeng pele o tsoha hoseng, le hara motsheare.
E nwa dino tse mokedi-kedi dipakeng tsa dinako tsa dijo tse kgolo, hape ho ka thusa ho di nwa butle ka lehlaka.
Leka ho ja dino tse batang e le hore lephoka la dijo tse phehuwang le se o ferose sebete. Hangata mmele o mamella hamolemo dijo tse batang.
Boloka sebaka seo o phomolang ho sona se phodile ka hore ho be le moya o kenang le o tswang.
Dula o otlolohile ka mora ho ja - bonyane o emele ho fete metsotso e 20 pele o robala, ho qoba ho hlatsa.
Ho thwe'ng ka feberu?
Haeba o tshwerwe ke feberu, o tlameha ho kgutlisetsa mmeleng wa hao metsi a tswileng ka lebaka la mofufutso.
E nwa dino tse ngata tse mokedi-kedi - ho feta feela ho nwa ho qeta lenyora. Haeba o feletswe ke takatso ya ho ja, o ka pheha sopo ya dinawa, ditapole, dihwete kapa meroholeha e le efe e fumanehang habonolo. Hona ho tla neha mmele matla le dimatlafatsi.
Ho pipitlelwa ho etsahala ha mantle a tiile ka mpeng mme ho le thata ho ithusa.
Qoba ho sebedisa dipilisi le meriana e mathisang kapa "dintho leha e le dife tse hlwekisang" jwaloka ho sebedisa sepeiti. Dipilisi le meriana e mathisang le sepeiti di etsa hore mmele wa hao o lahlehelwe ke dimatlafatsi tsa bohlokwa - ke tharollo ya nakwana e sa phekoleng bothata ba sebele.
E ja hanyenyane dijo tse thuisitsweng haholo jwaloka dijo tse entsweng ka phoofo e tshweu (dikuku, diphae, le tse jwalo).
E nwa metsi a mangata le dino tse ding tse mokedi-kedi.
E ba mafolo-folo haholo! Ho ikotlolla maoto kamehla ho thusa bothateng ba ho pipitlelwa.
Na o na le bothata ba ho emisa letshollo?
Letshollo le bolela ho ithusa ka makgetlo a mararo kapa ho feta ka letsatsi mala a hao a o mathisa kahobane mantle a hao a le metsi.
metsi a ditshila a nowang mekgwa e fokolang ya tlhokomelo ya bophelo bo botle malwetse a tshwaetsanang meriana.
Letshollo le ka fokotsa dimatlafatsi mmeleng, kahobane dijo di feta mmeleng kapele-pele hoo o hlolehang ho di sebedisa. Hape motho yeo o ja hanyenyane kahobane takatso ya hae ya dijo e fokola haholo. Ka lebaka la letshollo, mmele o lahlehelwa ke metsi a mangata. Ha mmele o lahlehelwa ke metsi a mangata hoo ho kotsi haholo mme batho ba ka shwa ka lebaka lena.
Ke etse'ng haeba ke e-na le letshollo?
E nwa dino tse ngata tse mokedi-kedi ho kgutlisetsa hape mekedi-kedi e tswileng mmeleng. Ho etsa seno se ka kgutlisetsang metsi mmeleng wa hao, nka lithara ya metsi a ileng a bediswa mme a phodile. Tshela dikgaba tse 8 tsa tswekere le halofo ya kgaba ya letswai. E nwa hanyenyane motswako ona kamoo o ka kgonang kateng.
Laktose ke tswekere eo ka tlhaho e fumanwang lebeseng. Nakong eo o kulang, hangata mmele o hloleha ho sebedisa tswekere ena ya tlhaho ya lebese. Sena se ka hlahisa letshollo, mme ho ka ba molemo hore o se sebedise haholo lebese le dintho tse entsweng ka lebese. Mafi le yogathe e ka nwewa haeba letshollo la hao le se lebe haholo. O ka nna wa sebedisa dino tse ding tse se nang tswekere ya tlhaho ya lebese tse kang lebese la soya le lebese la phoofo la bana la soya.
Dijo tse nang le mafura a mangata, oli, tse nang le mafura a kolobe kapa botoro jwaloka dijo tse hadikilweng, disoseji le makwenya di ka mpefatsa letshollo la hao.
Makotomane, dipeo le bohobe ba koro di ka kgathatsa mala a hao le ho mpefatsa letshollo la hao.
Kofi le dijo tse ding tse jwaloka dino tsa cola le ditjhokolete di na le kafeine mme di ka mpefatsa letshollo la hao.
Dijo tse bopang moya ka mpeng jwaloka kolo, dinawa tse omisitsweng le dierekisi, cauliflower le broccoli hammoho le dijo tse nang le dinoko tse ngata le dipompong tse ngata di mpefatsa letshollo.
Ho e-na le hoo, e ja dijo tse ngata tse kang...
Diapole kapa dipiere tse ebotsweng le tse seheletsweng hasesaane, oats kapa ditapole; dijo tsena di na le faebara e ka thusang ho boloka metsi maleng.
Hangata jusi ya diapole, diperekisi le morara e mamellwa ke mmele.
Dijo tse kang ditapole le dibanana di na le diminirale tsa potasiamo e lahlehang mmeleng nakong ya letshollo.
E ja ka makgetlo a mangata kamoo o ka kgonang ho kgutlisetsa mmele boimeng ba wona le ho kgutlisetsa dimatlafatsi tse tswileng.
Mekgwa e fokolang ya bohlweki e ka hlahisa letshollo.
Hatlela matsoho a hao ka metsi le sesepa pele o tshwara dijo, pele o di pheha, pele o tshola dijo le ho di boloka.
Hatlela matsoho ka sesepa le ka metsi ka mora ho sebedisa ntlwana kapa ho kenya lesea leiri.
Haeba letshollo le tswela pele, kopa thuso klininking e haufi le moo o dulang.
Tatso e ka fetolwa ke diphello tse mpe tsa moriana, dijo tse se nang dimatlafatsi tse lekaneng le malwetse a tshwaetsanang.
Haeba nama ya kgomo e sa o tshware hantle, ho ka ba molemo hore o je nama ya kgoho, ya tlhapi, dijo tse entsweng ka lebese, dinawa tse omisitsweng le dierekisi bakeng sa diprotheini.
Hangata dijo tse batang kapa tse leng motjhesong wa kamore di latsweha hamonate ho feta dijo tse tjhesang.
Sebedisa dinoko tse eketsehileng, mero kapa jusi ya lemone ho ntlafatsa tatso ya dijo tsa hao.
E ja dijo tsa hao o ntse o habola dino tse mokedi-kedi.
Ho ka thusa ho tsokotsa lehano la hao ka metsi a letswai kgafetsa. Ho nwa hanyenyane metsi a kentsweng jusi ya lemone pele ho dijo ho ka thusa ho ntlafatsa tatso ya dijo.
Sebedisa mekgwa e metle ya bohlweki ba lehano.
Ho tlwaelehile hore malwetse a mefuta e sa tshwaneng a ntshe diso hanong le qoqothong. Diso tse jwalo ha di jese hamonate mme hape di bohloko empa ha di bolaye. Kotsi ke hore ho ka nna ha ba thata ho ja dijo kapa ho kwenya dijo ha o tswile diso jwalo, mme hona ho ka etsa hore motho a je hanyenyane feela le ho ota.
Dijo tse bodila: dilamunu, dilemone, diphaenapole le ditamati.
Dijo tse nokilweng haholo le tse letswai tse ka nnang tsa kgathatsa lehano le qoqotho.
E ja dijo tse leng boemong ba motjheso wa kamore. Dijo kapa seno se tjhesang haholo kapa se batang haholo se ka hlahisa bothata. E ja dijo le ho nwa dino tse sa kgathatsaneng le lehano kapa qoqotho ya hao.
Ho bonolo ho ja dijo tse entsweng metsi ka ho tshelwa moro.
Habola seno se metsi pele o ngwatha sejo, kapa o ine dijo tse thata le tse ommeng tse jwaloka toustu, bisekiti le raske dinong tse kang tee kapa sopo ka makgetlo a mangata pele o ja dijo tse jwalo.
Hlafuna chewing-gum kapa o je dipompong ho eketsa mathe hanong - hona ho tla etsa hore ho be bonolo ho kwenya dijo.
Leka ho monya jusi e hwamisitsweng kapa metsi a hwamisitsweng ho omisa lehano la hao pele ho dijo.
Ho boloka lehano le hlwekile ho bohlokwa haholo!
Thibela ho tshwaetswa ka hore o boloke meno le marinini a hao a hlwekile.
Haeba marinini a hao a le bohloko mme o hloleha ho a hlatswa meno ka borosolo, ho tla thusa ho tsokotsa lehano la hao ka motswako wa metsi a nang le bicarbonate of soda.
Haeba o thatafallwa ke ho kwenya dijo, leka ho matlafatsa mekedi-kedi ka ho tshela lebese le phoofo, dijo tsa bana tsa di-cereale, bohobe ba phoofo ya poone kapa ditapole tse seng di phehilwe tse thuhilweng e le hore ho be bonolo ho di kwenya.
Dijo tse bonolo ho bobebe ho di kwenya. E be meroho e phehilweng le ho thuhiwa le ho etswa mekedi-kedi kapa ditapole tse phehilweng le ho thuhiwa ha ho hlokahala.
Di-popcorn di ka kgathatsa lehano la hao esita le ho kgama.
Leka ho dula o otlolohile dinakong tsa dijo le ho pholla qoqotho ya hao ho nolofatsa ho kwenya dijo.
Haeba matshwao a bolwetse ba hao a sa ntlafale, kopa keletso le thuso kliniking e haufi le moo o dulang teng.
Ho thata ho ja dijo tse lekaneng haeba o sa phela hantle, empa o tlameha ho leka ka hohle ho ja dijo tse lekaneng!
<fn>sesotho (3).txt</fn>
Tataiso e sebetsang ho o thusa ho kgetha dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho o boloka o shahlile nakongeo okulangka yona.
Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ke ha bohlokw a ho motho e mong le e mong, empa haeba o dula ka ho kula, ho bohlokwa ka ho kgethehileng ho etsa diqeto tse bohlale mabapi le dijo! Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho bolela ho ja dijo tse tla neha mmele w a hao dimatlafatsa-mmele tseo o di hlokang e le hore o sebetse hantle le ho o thusa ho lw antsa mafu a mang a tshw aetsang. Dimatlafatsa-mmele di fumanwa dijong. Ho na le dimatlafatsa-mmele tse sa tshwaneng dijong, e leng, diproteine, dikhabohaedraete, mafura, divithamini le diminirale.
Haeba o e-na le bolwetse bo tebileng haholo (jwaloka TB, Kankere kapa AIDS), matla a ho itshireletsa a mmele a fokolahaholo. Hona ho bolela horemmelewa hao ha o kgone ho itshireletsa hantle jwaloka mehleng kgahlanong le mafu a tshwaetsang. Matla a fokolang a ho itshireletsa a ka etsa hore o kenwe ke lefu letshwaetsang ka hanong, qoqothong le maleng. Hoja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho ka neha mmele wa hao dimatlafatsa-mmele ho hodisa matla a wona a ho itshireletsa kgahlanong le mafu a tshwaetsang.
o nehe boikutlo boiketlo; le ho o thusa ho thabelabophelo bo molemo haholwanyane.
Dijo tsefanangka bophelo bo botle di tla o thusa ho lwantsamafu a tshwaetsang hao kula.
Hangata ho ba le malw etse a kang TB, kankere kapa AIDS ho fella ka ho ja dijo tse nang le dimatlafatsa-mmele tse fokolang.
ho tshwaetswa le meriana ho ka bakela ho feroha dibete, ho hlatsa le letshollo ho etsang hore motho a fellwe ke dimatlafatsa-mmele.
Ho haella ha dimatlafatsa-mmele ho ka fokodisa haholo ho itshireletsa ha mmele tlhaselong ya mafu a mang, mme ka hona ho bonolo haholo hore o tshw aetswe ke mafu a mang. Tabeng ya ho tshwaetswa ke HIV, ho haellaha dimatlafatsa-mmele ho ka fella ka AIDS ka sekgahla se seholo.
Ho na le ditsela tse ngata tsa ho ja dijo tse faanang ka bophelo bo botle. Mmele wa hao o hloka dijotse ngata tse sa tshwaneng. Ha ho dijo tseo ka botsona di nang le dimatlafatsa-mmele tsohle tse hlokw ang ke mmele wa hao. Kgetha le ho thabela dijo tse fumanehang habonolo, tse sa bitseng tjhelete e ngata le tseo o di ratang.
Ela hloko ka ho eketsehileng hore na o ja eng hang feela ha o tseba hore o na le bolwetse bo itseng. Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho ka o thusa ho lwantsha ho tshwaetswa kemafu a mang le ho thibela ho fellwa ke boima ba mmele (ho ota).
Ho ithuisa molemo o moholo dijong, e-ja dijo tse ngata tse sa tshwaneng tseo o ka tsebang ho di fumana. Ho jadijo tsa mefuta e sa tshwaneng ho tla thusa ho tiisa hore o fumana dimatlafatsa-mmele tsohle tseo mmele wa hao o di hlokang dijong. Haeba ho le thata hore o je haholo, leka ho ja hanyenyane, kgafetsa letsatsi lohle ho tiisa hore o ja ka ho lekaneng.
Dijo tse nang le setatjhe tse kang bohobe, motoho, dicereale, reisi, ditapole, setampa, phoofo ya poone, sorghum le pasta di tlameha ho bopa karolo e kgolo ya dijo tse ding le tse ding tsa hao. Dijo tse nang le setatjhe di neha mmele wa hao matla le dimatlafatsa-mmele tse ding. Ekelletsa kamefuta e meng ya dijo e kang meroho, dinawa tse ommeng, nama ya kgoho kapa mahe dijong tse nang le setatjhe ho etsa hore e be dijo tse molemo.
Meroho le ditholw ana di fana ka divithamini le diminirale tse ngata le dintho tse ding tse tla thusa mmele wa hao ho itshireletsaho tshwaetsweng ke mafu a mang.
Dijo tsa diphoofolo di neha mmele wa rona dimatlafatsa-mmele tse ngata tse sa tshwaneng. Sematlafatsa-mmele se seng ke proteine, e thusang ho matlafatsa tshireletso ya mmele kgahlanong le tlhaselo ya malwetse le ho tiisa mesifa. Ha o kula, o tla hloka dijo tse ngata tsa mofuta ona.
Sehlopha sena sa dijo tsa dimela ke mohlodi o molemo wa diproteine le dimatlafatsa-mmele tse ding tsa bohlokw a. Ho akarelletsa mefuta ena ya dijo lenaneong la hao la dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho tla o thusa ho lwantsha ho tshwaetswa ke mafu a mang.
Tswekere, mafu le dioli le tsona ke karolo ya lenaneo la dijo tse fanang ka bophelo bo botle. Mefuta ena yadijo e o neha matla a ho sebetsana ka katleho le bolwetse ba haole ho etsa hore dijo di be le tatso e molemonyana.
Batho bohle ba lokelaho fokotsa haholo letswai leo ba le nokang dijong, kaha honoka letswai haholo ho ka fella ka lefu la kgatello ekgolo ya madi (highblood pressure). Leha ho le jwalo, haeba o e-na le letshollo kapa o hlatsa, mmele wa hao o lahlehelwa ke letswai le metsi a mangata.
Ho nwa metsi ho bohlokwa bakeng sa motho e mong le e mong. E-nwa metsi a mangata ho tiisa hore o kgutlisetsa mmeleng wa hao metsia ileng a tswanakong eo o neng o tsholla ka yona, o hlatsa le ha o ne o fufulelwa haholo hao o robetse bosiu. Ka ho tlwaelehileng metsi a pompo a sireletsehile, empa ho ka ba molemo ho bedisa le ho batisa metsi a sediba, noka kapa a borilweng pele o a nwa.
O se nwe dino leha e le dife tse nang le tahi. Tahie kotsi haholo sebeteng mme e etsa hore mmele o lahlehelwe ke divithamini tse o sireletsang kgahlanong le ho tshwaetswa ke mafu a mang. Hape ho bohlokwa haholo hore o se nw e seno se nang le tahi ha o sebedisa meriana kaha sena se tla ntsha sebete sa hao kotsi.
E-ba mafolo-folo kamoo o ka kgonang kateng ho boloka mesifa ya hao e le matla. Mesebetsi ya mmele e jwaloka ho tsamaya ka maoto, ho hlwekisa ntlo le ho sebetsa tshingwaneng ho tla hodisa boleng ba bophelo ba hao.
Hobohlokwa haholo hore dijo tseo o dijang le metsi aoo a nwang e be tse hlwekileng haholo ho thibela hore dijo le metsi a sejare mafu a tshwaetsang a tsamaiswang kedijo.
Hlwekisa dijana tsohle le dibakatseo o sebeletsang dijo ho tsona.
Kwahela dijo ho thibela hore di se angwe ke dikokwanyana lediphoofolo.
Hlatsw a ditholw ana le meroho ka botlalo metsing a hlwekileng le a sireletsehileng.
Haeba o hloleha ho hlatswa ditholwana le meroho ka ho lekaneng, diebole kapa o tlose makgasi.
Ho kotsi ho sebedisa tse tshetsw eng makoti-koting haeba a senyehile kapa a bonahala a tletse moya.
Hlokomela hore o se je nama ya phoofolo e tlala, ya kgoho, ya tlhapi kapa mahe a sa phehwang.
Phehisisa dijo ho bolaya dikokwana-hloko.
Haeba o e-na le sehatsetsi, boloka dijo tsohle tse setseng ka hare ho sona, kapa o di behe dikwahetswe sebakeng sebatang.
Dijo tse ileng tsa phehwa ha dia lokela ho bolokw a nako e fetang letsatsi le le leng mme di tlameha ho futhumatswa pele dijewa.
Haeba ho kgoneha, boloka dijo sebakeng se tlang se batang. Leka hore dijo tse phehilweng di se be sebakeng se nang le motjheso wa kamore ka nakoe ka hodimo ho dihora tse pedi.
Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho na le melemo bakeng sa motho e mong le e mong! Haebao kula, ho bohlokwa haholo ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle.
Thibela ho fokollwa ke boima ba mmele(ho ota).
Ho fola kapele ho tshwaetsweng ke mafu a mang le ho fola hamaqeba kapele.
Ho sebetsana hamolemo le meriana le phekolo.
Ho ikutlwa o matlafetse.
<fn>sesotho.txt</fn>
Nalane ya diphatlalatsi tsa ditaba mona Afrika Borwa e bontsha karohano le dikotwana tse leng teng ka hara setjhaba, ekasitana le kabo ya matla ka mokgwa o sa tshwaneng. Phepetso e leng teng ya ho fetola dintho hore di tsamae ka tsela ya demokerasi e ama mekga yohle ya bophelo, ho kenyeletswa le dibopeho le tshebetso tsa diphatlalatsi tsa ditaba.
Mmuso o ikemiseditse ho thea mokgatlo o tla etsa hore dihlopha tse neng di tingwa menyetla pejana di kgone ho fihlela diphatlalatsi tsa ditaba le ho ntshetsa pele ho fapafapana ho leng teng diphatlalatsing tsa ditaba. Hona ho latela qeto ya Kabinete e theilweng hodima kgothaletso ya Comtask ka selemo sa 1996. Hona ho latela Molaotheo, Bili ya Ditokelo le Lenaneo la Kaho Botjha le Ntshetsopele, athe hape ho susumetswa ke Leano la Naha la Mehato la Kgetelopele bakeng sa Kgothaletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Botho, tse toboketsang tabeng ya bolokolohi ba ho ikutlwahatsa le ho fapafapana ha diphatlalatsi tsa ditaba, le tlhokeho ya mekgwa ya ho etsa bonnete ba hore hona ho a fihlelwa. Ho latela maiteko a sa kang a atleha a setjhaba a ho bopa mokga o jwalo mathwasong a dilemo tsa bo-1990.
Lebaka la ho ba le mokgatlo o ikemetseng, hape o tla fokotsa ditjeo tsa mosebetsi, e leng wa Media Development and Diversity Agency (MDDA) [Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Diphatlalatsi tsa Ditaba le ho Fapafapana ha tsona] ke la hore ho na le tlhokeho ya mokgatlo wa ditsebi tse hlomphehang tsa diphatlalatsi tsa ditaba ekasitana le batho ba hlomphehang ba hlahang setjhabeng, ba tla sebedisa ditjhelete tseo mokgatlo ona o tsheheditsweng ka tsona, ho tsamaisa mosebetsi le ho etsa diphuputso, ba hlahise botsebi bo mabapi le ntshetsopele ya diphatlalatsi tsa ditaba le ho fapafapana, mme ba etse bonnete ba hore tsena tsohle di a fihlelwa. Ona o tla sebetsa ka ho latela metheo e metle haholo ya tsamaiso tsa dikgwebo, athe hape e tla ba le taolo le mehlodi ya thuso e tshwanetseng. E tla sebetsa ka thoko feela ho mmuso, indasteri ya diphatlalatsi tsa ditaba mmoho le ba bang ba tshehetsang ka ditjhelete.
Jwalo ka ha lefatshe le ya le lebile boemong ba tshebediso ya dikhomputara le mehala ho fana ka tlhahisoleseding (information society), ke ntho ya bohlokwa hore baahi ba naha bohle ba kgone ho fumana ditaba le mehopolo e fapaneng bakeng sa ho ba le seabo ka tsela e sebetsang hantle lefatsheng le yang le ntse le ba le maqhama a maholo, ba be le seabo moo ba dulang, naheng ka bophara le dinaheng tsa matjhaba. Mmuso o entse hore bokgoni ba hore batho bohle ba fumane ditaba e be karolo ya mosebetsi wa lenaneo la kaho botjha le ntshetsopele.
Mokgatlo wa MDDA, jwalo feela ka lenaneo la Ditsi tsa Naha tsa Mesebetsi e Fapaneng e leng Multi-purpose Community Centres, ke mosebetsi wa bohlokwa wa ho shebana le maikemisetso ana. E tla thusa ho fetola dikgokahano ka tsela e tla thea popeotheo mme e phehelle ho ba le diphatlalatsi tsa ditaba tse bontshang boiphihlelo le mehopolo ya batho ba neng ba qheletswe thoko ba tingwa menyetla.
Ntshetsopele ya diphatlalatsi tsa ditaba e kenyeletsa kgothaletso le ho etsa hore dintho tse etsahale bakeng sa ho thusa ho lokisa kgethollo le ho tingwa ha dihlopha tse ding tsa batho menyetla, le ho ba le tjhesehelo ya ho fihlela diphatlalatsi tsa ditaba - jwalo ka beng, batsamaisi le bahlahisi ba diphatlalatsi ba ditaba. Ho fapafapana ho leng teng diphatlalatsing tsa ditaba ke hwa ho etsa hore bohle ba nang le kgahleho ekasitana le mekga yohle e kgone ho fihlela maikutlo a fapaneng le mehlodi ya thuso ya ditaba e fapaneng e emetseng setjhaba sa rona kaofela ha sona. Bokgoni ba ho fihlela ho fapafapana hape bo nolofatswa ke ho ba teng ha diphatlalatsi tse fapaneng tsa ditaba, tse nyenyane le tse kgolo, le mekgwa ya kabo ya tsona.
Le ha ho le hongata ho seng ho entswe ha e sa le ho kena mokgwa wa demokerasi bakeng sa ho rarolla mathata a ntshetsopele ya diphatlalatsi tsa ditaba le ho fapafapana, hona ho bonahetse ka ho hlaka hore ha ho a lekana. Palo ya popeotheo ya diphatlalatsi tsa ditaba ka ho ya ka motho ka mong e dutse e ntse e le tlase. Ho ba beng ba diphatlalatsi tsa ditaba e sa ntsane e le ntho e matsohong a lequlwana la batho ba itseng feela, mme ha ho akaretse ditabatabelo tsa dihlopha tsohle tsa batho. Boemedi le bona ha bo a lekana tsamaisong, bohlophising le basebetsing ba mokga wa ditaba.
Ho etsahetseng mona Afrika Borwa ho bontshitse hore mebaraka, menyetla ya ho fumana dilaesense tsa kgaso le diphetoho tsa ho ba monga ntho, le ha e le dintho tsa bohlokwa haholo, di ke ke tsa fihlela diphetoho tsena ka botsona feela. Mananeo a tshwanang le a MDDA a hlokeha bakeng sa ho ba le tshusumetso mosebetsing ona.
Dintho tse etsahalang dinaheng tsa matjhaba di bontsha hore dikimi tsa tshehetso bakeng sa ho kgothaletsa ntshetsopele ya diphatlalatsi tsa ditaba le ho fapafapana ha se ntho e ntjha. Di ile tsa kengwa tshebetsong mane Yuropa ho tloha dilemong tsa bo-1950 ka hobane mebaraka ka boyona feela e ne e ke ke ya kgona ho fihlela ho fapafapana ho lekaneng. Bonneteng, bopaki ke ba hore dimmaraka ka botsona di rata ho atolosa boemo ba hore ho ba monga ntho mmoho le taolo ya diphatlalatsi tsa ditaba ho be matsohong a lequlwana la batho ba itseng feela, mme hona ho thibela bolokolohi ba ho ikutlwahatsa le ho fapafapana ha maikutlo.
Maiteko a pejana a ho thea mokgwa wa boithaopo wa tshehetso, o jwalo ka wa Independent Media Diversity Trust, ha a ka a atleha ka baka la kgaello ya ditjhelete. Hona ho kgutlela tabeng ya hore ho molemo hore ho be le tshebedisano pakeng tsa mmuso le diphatlalatsi tsa ditaba, e be hoo ho tshehetswa ke molao, mme re tla bona tswelopele.
MDDA e tla ba mokgatlo o ikemetseng, o hlonngweng ka ho latela molao, athe hape o be sebakana le mmuso, mekga ya poraefete le batshehetsi bafe kapa bafe ba ditjhelete. Thomo MDDA e tla ba Boto e nang le ditho tse robong tse tla thongwa ke Palamente ka ho sebedisa mokgwa o tla kenyeletsa setjhaba, e be ba behwa ke Mopresidente. Ho tla ba le Dikgeo Botong bakeng sa bao ba tla thongwa ho tswa ho e nngwe le e nngwe ya tsena, mmuso, diphatlalatsi tsa ditaba tse hatiswang, diphatlalatsi tsa ditaba tsa kgaso le diphatlalatsi tsa ditaba tsa baahi, mme tse hlano tse setseng e tla ba tsa ba thontsweng ke setjhaba. Boto e tla kgetha Moofisiri ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO), eo yena mmoho le Boto, ba tla kgetha sehlotshwana sa basebetsi ba nang le botsebi bo hodimo hape bo lekaneng bakeng sa mokga ona.
Ntle le seabo sa yona sa bohlokwa sa tshehetso ya diphatlalatsi tsa ditaba, MDDA e tla laela hore ho etswe diphuputso e be e etsa dikgothaletso ho mmuso, indastering ya diphatlalatsi tsa ditaba le mekgeng e meng e tshwanetseng. MDDA e tla sebedisana le mekga e meng yohle e nang le kgahleho ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang ntshetsopeleng ya diphatlalatsi tsa ditaba mmoho le ho fapafapana. MDDA e tla tshwara kopano ya selemo le selemo ya bao ba amehang moo mekga eo e tla sekaseka raporoto ya selemo le selemo ya MDDA.
Batho ba tla una molemo wa tshehetso ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang e tla ba ba diphatlalatsi tsa ditaba tsa baahi, ekasitana le diphatlalatsi tsa ditaba tsa kgwebo tse nyenyane, ho kenyeletswa diradio, thelevishene, diphatlalatsi tsa ditaba tse hatiswang le diphatlalatsi tse ntjha tsa ditaba. Ho tla shejwa haholo diprojeke tse tla etsa hore mekga le baahi ba qheletsweng thoko ba sa natswe -haholoholo basadi, batho ba dibakeng tsa mahae, batho ba holofetseng, batho ba sa fumanang monyetla wa thuto, basebetsi le mafutsana - ba fumane tlhahisoleseding ka mekgwa e sebediswang ya dikgokahano.
Tshehetso e tla ba ya thuso ya ditjhelete le eo e seng ya ditjhelete, mme yona e tla kenyeletsa disaposidi tse tobileng le tse sa tobang; tshehetso ya ditjhelete ya tshohanyetso; ntshetsopele ya bokgoni; thupelo; tekolo ya projeke le diphuputso tsa diphatlalatsi tsa ditaba. Hape e tla etsa dikgothaletso bakeng sa tshehetso ya diphatlalatsi tsa ditaba tse hlokang dikadimo tsa ditjhelete, mme hona e ho etsa ka tekolo ya mekgwa ya tshebetso.
Motheo o tataisang MDDA ha e etsa diqeto tsa ho tshehetsa ka ditjhelete le dikgothaletso tsa dikadimo e tla wa kabelo eo diprojeke di e etsang ntshetsopeleng ya diphatlalatsi tsa ditaba le ho fapafapana. E tla phehella ho kgothaletsa tswelopele, le ho tshehetsa ka ditjhelete diprojeke tse nang le taolo e ntle. Dintho tse ding tse tla shejwa e tla ba seabo sa baahi le merero ya tekatekano.
MDDA e hloka ditjhelete tse lekaneng hore e tle e kgone ho shebana le mesebetsi ya dikgokahano le baahi ka marangrang a ditaba, ho shebana le ditjeo tsa thupelo le tsa tshebetso, ekasitana le bakeng sa diphuputso le tekolo ya projeke. Hape e tla tshehetsa ka ditjhelete diphuputso tse mabapi le ntshetsopele ya diphatlalatsi tsa ditaba le ho fapafapana Mehlodi ya thuso e hlokehang bakeng sa ho rarolla bothata ba ho salla morao e etsa palo yohle ya R256 miliyone, dilemong tse hlano.
Mmuso o tla qala ka ho fana ka karolo ya pedi ho tharo ya bajete, ha indasteri ya diphatlalatsi tsa ditaba yona e tla fana ka karolo e setseng. Ho tshwanetswe ho lemohuwa hore kabelo ya mmuso e tla kenyeletsa tshehetso ya popeotheo ya diradio tsa baahi le ntshetsopele ya lenaneo leo ho seng ho ntse ho fanwa ka lona ka Lefapha la Dikgokahano, ekasitana le mehlodi e meng ya thuso ho tswa pokellong ya lekgetho le leanong la tshebedisano le mekgatlo e meng e jwalo ka Universal Service Agency.
<fn>sesotho1.txt</fn>
Hobaneng re na le bothata?
Tharollo ke eng?
Ebe ke eng e tla fihlellwang ke leano la tlhwekiso ya motheo ya matlwana malapeng?
Mmuso o na le boikarabelo ba molao wa motheo ba ho netefatsa hore ma-Afrika Borwa ohle a fihlella tlhwekiso e lekaneng ya matlwana. Kahoo he, leano lena le tla tsepamisetsa ho faneng ka ho fihlelleha ha tlhwekiso e lekaneng ya matlwana bakeng sa malapa, dikolo le ditleleniki, ho ntlafatsa pokello le ho lahlwa ha tshila ya malapeng, le ho ruta setjhaba ka tlhweko.
Mmuso o rerile ho tlisa phumantsho e ntlafaditsweng ya ditshebeletso ka ho tshehetsa baahi le ho fana le ho sebedisa ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana e ka bolokwang e tswela pele (e theko e fihlellehang, e tsamaiswang ke setjhaba). Dibaka tse ka sehloohong tseo ho tla tsepamisetswa ho tsona di tla kenyeletsa dibaka tsa mahae, tse batlang e le tsa ditoropo le dibaka tsa mekhukhu, moo tlhoko e leng kgolo ka ho fetisisa.
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa ho bophelo bo botle ba setjhaba.
Hore ho fihlellwe tlhwekiso e ntle ya matlwana, ho hlokahala hore e be karolo ya letsholo le akaretsang la ntshetsopele. Kahoo he, tlhwekiso ya matlwana ke le leng feela la mananeo a mangata a ntshetsopele a kgothaletswang ke mmuso. Katleho hape e itshetlehile tshehetsong ya baahi. Bokgoni ba tlhwekiso ya matlwana bo tshwanetse ho thehwa ka potlako ho setjhaba hore baahi ba kgone ho matlafatswa ho ka ba le seabo lenaneong la naha la tlhwekiso ya matlwana.
Mananeo a tlhwekiso ya matlwana a tla ntlafatsa mathata a kahisano le a semoya a tsamaisanang le tlhwekiso e fokolang ya matlwana. Matlwana a hole le malapa, dibaka tsa bohle tse sa lekanang, ho lahlwa ho sa lekanang ha tshila le ditlwaelo tse ding tsa tlhweksio e fokolang ya matlwana di ba le sephetho sa hore batho ba lahlehelwe ke boinotshi le seriti, kgahlamelo e mpe le dikotsi tse eketsehileng tse ka hlahang polokehong ya motho ka boyena.
Hobaneng ha tlhwekiso ya matlwana e le ya bohlokwa?
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa bakeng sa bophelo bo botle. Mathata a bophelo bo botle a tsamaisanang le tlhwekiso e fokolang ya matlwana a kenyeletsa letshollo, letshollo le lefubedu (dysentery), feberu ya mala (typhoid), kholera, malaria, bilhazia, ho tshwaetswa ke manyowa, ditshwaetso tsa mahlo, mafu a letlalo le keketseho ya ditshwaetso ho batho ba nang le HIV. Tlhwekiso ya matlwana e lokileng e lebisa tebellong ya bophelo bo bolelele.
Ke mang ya nang le boikarabelo batlhwekiso e betere ya matlwana?
Ntlafatso ya tlhwekiso ya matlwana ke morwalo wa e mong le e mong. Ba amehangba kenyeletsa baahi le malapa (ke bona ba ka pele-pele), boradikonteraka ba sebetsangka hara setjhaba, mmuso wa bomasepala, wa diprofensi le wa naha, mokga wa poraevete le mekgatlo e seng ya mmuso (NGOs).
Maemong a selehae, Masepala wa Setereke kapa wa Motsemoholo kapa Masepala wa Selehae o tla ba le boikarabelo ba mantlha bakeng sa ho kenya dintho tshebetsong ka tshebediso ya Moralo o Hokahantsweng wa Ntshetsopele (Integrated Development Plan - IDP) oo Moralo wa Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plan - WSDP) e leng karolo ya wona.
<fn>sesotho2.txt</fn>
<fn>sona_sesotho.txt</fn>
Puo ya Mopresident wa Afrika Borwa, Thabo Mbeki ka Boemo ba Setjhaba: Lekgotla la kopanelo ya Palamente.
Ha a ne a hlokahala, re tsebile hore Mme Adelaide Tambo o ne a sa tswa lokollwa sepetlele. Empa hoba re ne re tseba hape hore o ne a ena le tjheseho e matla le thato ya ho tsitlallela pele hara ba phelang, re ne re ikemiseditse ho mo amohela mmoho le ditho tse ding tsa lelapa la hae jwaloka baeti ba rona moketeng ona wa Phato. Empa ha ho a eba jwalo.
Hosane re tla isa hlompho ya rona ya ho qetela e le ha re hlompha mmele wa hae. Ka hoo o tla ba le rona ka moya fela ha re keteka letsatsi la tswalo la bo 90 la monna wa hae, ntate wa bana ba hae, molekane wa hae, khomreiti ya hae le mora ya tsebahalang wa setjhaba sa rona, Oliver Reginald Tambo. Re boela re fetisetsa matshediso a rona ho ba lelapa la Tambo.
Le ha ho le jwalo, ke ikutlwa ke thabile haholo ho amohela hara rona hoseng hona Mme Albertina Luthuli, moradi wa Moamohedi wa pele wa Kgau ya Kgotso ya Nobele, Morena Albert Luthuli, eo re ileng ra eba le sehopotso sa lefu la hae le sehloho dilemong tse 40 tse fetileng, selemong sena, re hopola letsatsi le sehloho leo ka lona ho ilweng ha fihla pehi ya hore o silahantswe ke terene e neng e le lebelong masimong a mmoba a KwaDukuza. Lefu la hae e bile le nyarosang le le sa tsebisahaleng fela jwaloka bophelo ba hae e bile naledi e re supisang tokoloho e re natefelang kajeno lena.
Ke ikutlwa ke le motlotlo hore Afrika Borwa ya temokerasi e bile le temoho le kameho ya ho ananela seo Albert Luthuli le Oliver Tambo ba se emetseng setjhabeng, ka ho rehella tse pedi tsa Dikgau tsa Setjhaba ka bona - Kgau ya Luthutli, le Kgau ya Balekane ba O. R. Tambo, ke tseba hape le hore ba amohetsweng dikarolong tsena tsa Dikgau tsa Setjhaba ba ikutlwa ba tlotlilwe haholo.
Ke thabile haholo ho amohela ka tlung ena bahale ba mohwanto wa Basadi wa Hlakubele 1956 le ba dikgaruru tsa Soweto tsa 1976, ba dutseng lebokoseng la Mopresidente, mmoho le baitedi bohle ba ikgethang ho tswa diprofenseng tsa rona, ba sisisntsweng ke Dibui tsa Diprofense ho tla ba ditho tsa sehlopha sa baeti ba bohlokwa bao re nang le bona mona kajeno.
Mmuso wa batho ba Afrika Borwa oo ke buwang lehatong la ona mona kajeno, jwaloka ha ke bile le monyetla wa ho etsa jwalo ka dilemo tse fetileng, o theilwe ka 2004, ka mora Dikgetho tsa Kakaretso tsa selemo seo.
Lekotleng kapa Bosberateng ya Pherekgong selemo le selemo, Kabinete ya Setjhaba, e emeng qullung ya tsela ya puso, hodima moo re nang le monyetla wa ho busa, e ile ya nahanisisa ka ntlha ya hore kopano eo e ne e tshwaya nako e mahareng ya mmuso o tswetsweng ka dikgetho tsa rona tse fetileng tsa 2004.
Re utlwisisitse hona, e bile tlhaho ho rona ho ka ipotsa potso ena - ke tswelopele efe eo re e entseng tjhesehong ya rona ya ho fihlella diphetho tseo re bolelletseng setjhaba ka botshepehi hore re ikana ka tsona, ka lebaka leo batho ba rona ba re fileng matla a sa kakeng letho ho busa naha ya rona ho tloha ka 2004 ho fihlela dikgethong tse latelang tsa 2009.
Ka tumello ya ona, ke tla rata ho tjhetjhella morao, ke hopole seo re se boletseng ka 2004, re le baemedi ba setjhaba sa rona, ho le teng metswalle ya rona ho tswa Afrika yohle, re ileng ra epa pitso setulong sa rona sa puso, e leng Union Building, Tshwane, ka letsatsi la Tokoloho, selemong sa boleshome sa tokoloho, re nkile karolo ha ho behwa Mopresidente wa Rephaboliki setulong, eo palamente ya rona e mo kgethileng, e hlompha thato ya setjhaba e bontshitsweng ka temokerasi ka nako ya dikgetho tsa 2004.
Ka nako e telele naha ya rona e ne e fupere le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho E ne e le sebaka seo ha o tswetswe o le motsho o neng o le ho sielwa lefa la kotlo ya bophelo bohle. E ne ele sebaka seoho tswalwa o le mosweu e neng e le ho jara morwalo wa dinako tsohle wa tshabo le kgalefo e patehileng...
E ne e le sebaka seo bofuma, monko wa bofutsana, disurishi tse mathang, ho senyeha ho bodileng, matshwele a sollang a bokgopo, ditshwantsho tse sa feleng tsa naha e tletseng ka matlakala lahletsweng bohlaswa hohle, se nkileng karolo e hlokang ho ntlafatsa botle ba sebaka se seng sa diterata tse makgethe, tsa mebila ya patsi, eo dipalesang tse thunyang di phahamisang jwang bo botalana bo binang, le dinonyana le matlo a lketseng marena le mafumahadi, le mmini o monate, le lerato.
E ne e le sebaka se ho sona ho dula dibakeng se itseng e neng e le ho mema ba bang ho o etsa phofu kapa ho inehela ho etsa ba bang diphofu, baahisane ba tiiseditsweng ho ba mahlatsipaa tahi le dithetefatsi hookobatsa bohloko ba ho phela, ba tsebang hore maphelo a bona ha se a tlwaelehileng ntle le polao hara bona, le peto le dintwa tse sehloho tse hlokang lebaka.
E ne e le sebaka seo ho dula hara boahisane bo bong e neng e le ho natefelwa ke polokeho le tshireletso hobane ho bolokeha ene e le ho sireletswa ke mabota a phahameng, difense tsa motlakase, dintja tse lebelang, hopaterola ha maponesa le mabotho a masole a malala a laotswe hosireletsa bao e neng e le marenana a rona, ka dithunya le ditanka le difofane tse neng i ka nesa lefu ho bao ba neng ba ka ferehla kgotso ya marenana.
Re bokane mona kajeno, letsatsing la tokoloho, hobane ka nako, setjhaba sa rona, mmoho le dibilione tsa batho ho ralala le lefatshe ho pota, bao e leng metswalle ya rona ya dihlomo, bao ba emetswengke baeti bana ba kgethehileng, ba ileng ba nka qeto mme ba re - ke ho qetello ya tseo tsohle!...
Re kgothatsehile haholo hore dikgetho gtsa rona tsa beke tse pedi tse fetileng, di hatelletse maikemisetso a setjhaba sohle sa rona, ho sa kgathaletsehe morabe, mmala le morafe, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang...
Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana. Hona ho amana le tsohle, ho tloha ka ho ntlafatsa bophelo ba setjhaba ho isa ho fokotseng ha bophahamo ba botlokotsebe, ho ya ho phahamiseng ha bophahamo ba ho kgona ho bala le ho ngola le kutlwisiso ya dipalo, le ho bulela bohle menyako ya thuto le botjhaba...
Re itlama ho bahale bohle ba iteletseng tokoloho ya rona, le holon holona bohle, metsalle ya rona ho tswa lefatsheng ho pota, hore re ke ke ra eka tshepo eo le re rwesitseng yona ha le thusa ho re neha kgonahal ya ho fetola Afrika Borwa ho ba lefatshe la tekokerasi, la kgotso, le hlokang bosemorafe, le sa kgetholleng ka bong hape le atehileng, le tsepameng nlheng ya ponelopele ya setjhba se kopaneng.
Mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo o se o qalelletse.
Dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, ha ba ne ba itokisetsa ho epa pitso ya Seboka sa Batho (Congeress of the People), e ileng ya amohela le ho inkela Tjhata ya Tokoloho, ba ratang naha ba letsatsi leo ba ile ba re, Ha re bueng mmoho, bohle mmoho - MaAfrika le Basweu, maIndia le Bammala batho bohle ba Afrika Borwa...ha re bueng mmoho ka tokoloho.
Re tlameha kajeno ho ntjhafatsa boikano ba rona, ho bua mmoho ka tokoloho, ho etsa ka bolekane ho fihlella thabo ya bohle e tlamehang ho tla le tokoloho, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang, ho re, mmoho, ka ketso - ho lekane ka tsohle tse neng di etsa naha ya rona e fupare ka hare ho yona le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho!
Re tlameha ho tswelapela ho arabela nthakemo eo re buileng ka yona ha mmuso wa jwale o qala nako ya ona ya puso, re lemoha hantle hore "Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana, mme ka hoo hore "twantsho ya ho fedisa bofutsana e bile mme e tla tswelapele ho ba karolo e hare ya boikgathatso ba setjhaba ho aha Afrika Borwa e ntjha".
Ho kenya tshebetsong mekgwa ya tlatsetso ho bula haholwanyane menyako ya thuto le botjhaba.
Ho akofisa tshebetso ya ntjhafatso ya kontinente ya Afrika; le ka keketso ho kenya letsoho tharollong ya dipotso tse ka sehlohong tse qobaneng le batho ba lefatshe.
Ke thabile ho tlaleha hore ho latela e nngwe le e nngwe ya ditlamo tsena, mmuso o dula o sebetsa haholo ho netefatsa hore maikemisetso a setjhaba a fihellwa. Ka palohare ya diphesente tse 4.5, sekgahla sa kgolo ya ikonomi ya rona dilemong tse pedi le halofo tse fetileng, e bi le se hodimo ka ho fetisisa ho tloha haesale re fumana temokerasi ka 1994. matsete ikonoming, ka bobedi dikarolong tsa bohle le tsa poraefete di ntse di hola ka diphesente di ka ba 11, ka hohle marangrang a motheo a karolo ya bohle di eketseha ka palohare ya diphesente tse 15.8 ka selemo. Kajeno, matsete a tsitsitseng e le phesente ya Dihlahiswa tsa Hae tsa Hohle-hohle - ka phesente e ka bang 18.4 - ke e hodomohadi ho toha ka 1991.
Palo ya batho ba sebetsang e ntse e hola ka lenaneo le ka ballwang ho halofo ya milione ka selemo dilemong tse tharo tse fetileng.
Re bone tswelopele e tsepameng ho matlafatsweng ha Batho-batsho ho tsa ikonomi. Ho tloha sekolotong sa diphesente tse ka hodimo ho tse 3 tsa mmaraka wa ditjhelete tsa JSE ka 2004, hona ho eketsehile ka phesente tse ka bang haufi le 5; mme karolo ya Batho batsho ba bolaoding bo ka hodimo e eketsehile ho tloha ho 24% ya palohohle ya 27%. Le ha ho le jwalo re tlameha ho dula re tshwenyehile hoba dipalo tsena di ntse di le tlase ka tsela e swabisang.
Dikgatelopele tsa Ikonomi di lahletse hodimo diphephetso tsa bohowa bakeng sa rona bohle. Keketseho e kgolohadi le e bolokilweng ya ditlhoko tsa basebedisi e bontsha maemo a kgolo a phetseng mabapi le katleho hara baahi; le diprojeke tse kgolohadi tsa marangrang tseo re tobanang le tsona di batla tlatselletso ya disebediswa le ya metjhini.
Empa boemo ba kgwebisano ya rona ya boditjhabatjhaba bo bontshe hore ha re a tleha ho aha bokgoni ba ho hlahisa basebedisi le dithoto tsa ditjhelete tseo naha ya rona e di hlokang. Ha sekoloto sa lelapa se nyolohile ka bophara ka mokgahlelo o le mong le kgolo ya meputso, ntlha ya hore maAfrika Borwa a boloka ha nyenyane e bolela hore rec tlameha ho itshetleha hodima dipolokelo tse tswang mafatsheng a mang. Ho hloka botsitso ho tswetseng pele ka dnako tse ding ha tjhelete ya rona le hona ha ho tlise tse monate ho diintaseteri tsa diromelwantle tsa rona.
Ka dilemong tse tharo tse fetileng, ikonomi e hlotse mesebetsi e millione le halofo. Ho a kgothatsa hore selemong sa Hlaubele 2005 ho fihla Halubele 2006 fela, 3000 000 ya mesebetsi e hlotsweng e ne e le makalenf a semolao ka ntle ho temo, e emetse sekhahla sa kgolo se ka bang 4%.
Karolo e nyenyane ya tsena ke menyetla ya mesebetsi ya dinako tsohle e hlotsweng ka Mananeo a Katoloso ya Ditshebeleso Tsa Bohle. Felaha ho potang hore lenaneo lena le ka gona hapele tlamehile ho hulelwa hoimo ho bonahalang. Hape ha hopotang hore re ka etsa ho le betere ka ho hlola borakgwebo ka dikgwebisano tse nyenyane le tse mahareng. Re nka hape hore palo e hodimo ya ba hlokang mosebetsi ke batjha, re ka etsa ho le betere ka dintlha tse kenang dipakeng jwaloka Ditshebeletso tsa Setjhaba tsa Batjha le ntshetsopele ya borakgwebo ba banyenyane.
Ke ntho ya boikgantsho hore, tsamaisanong le botelo ba rona ba ho aha setjhaba se kgathallang, re ntlafaditse kabo ya ditshebeletso ho tloha ka 2004 le dintlha tse ding tsa moputso wa setjhaba. Ha ba fumanang dithuso tsa setjhaba ba ne ba ballwa dimilioneng tse 8 ka 2004, kajeno dimilionetse 11 tsa maAfrika Borwa a futsanehileng a na le tokelo ya phumantsho ya ditshebeletso tsena. Ho a kgothatsa hore sekgahla sa kgolo e hodimo se, nakong ya ha jwale, bile taolong, jwaloka ha mananeo a fihla moo a hodileng. Hona ho tla netefatsa ho ntshetsopele, le ho hirwa ha disebediswa tsa mmuso ho aba ditshebeletso tsa ikonomi ho hlahisa menyetla e meng ya mesebetsi le ya dikgwebo.
Lenaneo la matlo le bone ho ajwa ha disaposidid tse ka bang 300 000 tse ntjha dilemong tse pedi tse fetileng. Le ha ho le jwalo, ha re batla ho ntlafatsa boleng le ho ntshetsapele mawa mabapi le bao ba ntseng ba fetwa ke mananeo a ntseng a le tshebetsong a setjhaba le a poraefete, bohato ba ketsahalo bo lenama ho feta ka moo re neng re lebeletseng. Re tlameha ho etsa ho ho hong ho fetola boemo bona.
Tsena mmoho le boikitlaetso bo bong di bopa karolo ya mawa a dipalangwang tsa bapalami, tse kopanyang seporo le mmila. Re tla tobana le ho kenyatshebetsong o potlakileng ha mananeo ana ho ntlafatsa boleng ba bophelo haholo ba batho ba sebetsang.
Phumantsho ya motlakase, metsi le dikgwerekgwere di ntlafaditswe. Ka 2005 Afika Borwa e ne e se e fihlelletse ntlha ya Ntlafatso ya Milleniamo maloka l kabo ya metsi, le ntlafatso ya phumantsho ho tloha hom 59% ka 1994 ho ya ho 83% ka 2006. Ho ya ka United Nations Development Programme (UNDP), Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tse sebedisang tjhelete e nnyane ditekanyetsong tsa sesole le e ngata metsing le dikgwerekgwereng.
Afrika Borwa e bontshitse ka moo tokelo ya botho ya metsi e ka sebediswang e le motjha wa matlafatso le tataiso ya boikemisetso Ntlafatso ya ditokelo tse theilweng hodima metsi e entse hore e kgone ho atolosa kabo le ho hlola ho se lekalekane hwa bosemorafe ho siilweng ke aparteiti, ka karolwana ka ditseko tse theilweng hodima ditokelo.
Re tlameha ke hona ho keteka phihlello e kgolohadi tjena. Empa ke nnete hore dimilione tse 8 tsa batho di ntse di hloka metsi. Ba bang a bangata ba hloka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
Re motlotlo hore nakong ya selemo, re kgonne ho fokotsa ho salla morao ha phediso ya tshebediso ya mabakete dibakeng tse hauweng tsa bodulo ka halofo. Re motjheng ho fedisa ka hohle-hohle tshebediso ena e nyatsang botho dibakeng tsena mafelong a selemo sena.
Re tla tswelapele ho tobana le dipephetso tsena e le ho fedisa naheng ya rona tsohle tse mpe le tse nyonyehang hore mmoho re bue ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.
Teko ya thuto le phumantsho ya bokgoni di bontsha ntlafatso e hlileng e le hodimo ka 2004,le ha fela ka lenama. Hona ho lebiswa ho boemo ba ho kgona ho bala le ho ngola, palo yohle ya boingodiso sekolong le sekgahla sa ba nkang karolo thutong e phahameng. Sekgahla sa ho feta ditlhahlobong tsa metriki se yang hodimo le fatshe se bontsha hore ho sa hlokeha ho etsa ho hongata ho tsitsisa tsela ena le ho netefatsa boteng ba ntlafatso. Ka yona nako eo, palo ya baithuti ba metriki ba fetang ditlhahlobong tsa Mmetse ka boemo bo hodimo e betetshana ho ya 1995. re ntse re tswelaapele ho bontsha bofokodi ho kenya tshebetsong lenaneo la Thuto ya Motheo ya batho ba baholo.
Ha lenaneo la ho kgutlisetsa mobu ho beng ba ona le hlahisitse diphetho tse qetilweng ka nakwana ya jwale, re ntse re tlameha ho etsa ka natla ho sebetsana le melato e saletsengmorao, eo bongata ba yona e leng thata. Ka nqe nngwe, tswelopele e entsweng maloka le kabo ya mobu ke e nyenyane. Re tla etsa shebisisa ka hloko dintlha tse sitisan hore lenaneo lena le tla le potlakiswe.
Mananeo ana a setjhaba le a ikonomi a bopa karolo ya mawa a rona a ho fokotsa le ho fedisa bofutsana bo tselang pele ho ama boholo ba batho ba rona. Mosebetsi o entsweng hara selemo se fetileng, ke basadi ka motjha wa South African Women in Dialogue ba sebetsa le mafapha a fapafapaneng a mmuso, ho kenyelets le ketelo mafatsheng a kang Tunisia le Chile, moo ho hatetsweng pele haholo tshebanong le bofutsana, o bontsha diphoso tshebetsong ya rona ntlheng ena.
Potlakisa thupelo ya Basebeletsi ba Setjhaba ba Malapa boemong ba profeshinale le ba tlatsetso ho netefatsa hore malapa a hlwailweng a tshehetswa le ho lekolwa ka tshwanelo.
Hona ho tla hokahanya ba unang molemo wa dithuso tsa setjhaba le ditshebeletso tsa masepala le menyetla ya mosebetsi, ka dinako tsohle re be le tjhebelo ya hore bongata bo kgonahalang ba batho ba rona ba tlohela ho itshetleha ka meputso ya setjhaba mme ba kena mmarakeng wa mosebetsi. Ka nako e mahareng, re tla tswelapele ho fuputsa boikitlaetso bo botjha bo tla ntlafatsa ka moputso wa setjhaba ka kgatelopele. Ntlha e hlokolotsi ya mawa ana a setjhaba a kenang dipakeng e tshwanetse ho ba ho matlafatsa diteko tse kopanetsweng hara maAfrika Borwa ohle ho ntlafatsa tshebedisano.
Ka mantswe a mang, ditsela tse hlokehang ho ntlafata maqhama a setjhaba di ke ke tsa phethahatswa ke mmuso o le mong. Re tshwanetse hore mmoho jwaloka maAfrika Borwa re bue ka tokoloho ho ditlhoko le ho bola ha maitshwaro, re sebetse ho ka fihlella thabo e tlang le bolokoloho.
Ke na le tshepo ya hore bohle re tla dumellana ka hore ho sebetsa mmoho ho fihlella thabo e tlang le tokoloho ho tsamaisana ka ho lekanale diphephetso tsa ho tonbana le botlokotsebe.
Ho tsitlallela kgotso le tshireletso ho tla ama batho bohle. Ho tla aha le ho atisa maikemisetso a setjhaba a kgotso le ho thibela leuba la botlokotsebe le tobileng metsana le kelohloko e bohlokwa mekgwa e fapafapaneng ya botlokotsebe eo basadi ba tobanang le yona.
Kgotso le botsiso ba sepolotiki le tsona di bohareng ba matsapa a mmuso a ho aha tikoloho ya kgonahalo e kgothaletsang matsete ho tla nkwa qeto e hlokang qeaqeo ho fedisa ho hloka molao, ho hweba ka dithetefatsi, theiso ya dithunya, botlokotsebe le haholoholo tlhekefetso ya basadi le bana
Bonneteng, re ke ke ra fedisa ho leng hobe le ho nyonyehang le ho tseka thabo e tlang le tokoloho ha baahi ba metsana ba phela ka tshabo, ba ikwalletse hara mabota le diterata tse hlabang, ba dulaba tshohile ka hara matlo a bona, diterateng le mebileng ya rona, a sa kgone ho natefelwa ke dibaka tsa bohle ka bolokolohi. Ka hona ho qaqile hore re tshwanetse ho eketsa matlafatso ya twantsho ya botlokotsebe.
Le ha re se re fetile palo e neng e behilwe ya mapolesa a 152 000 a hirilweng Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa, le ha re bile rentlafaditse lenaneo la thupelo, re elellwa hore sekgahla sa hona ha se a phahama ho lekaneng hore bohle a ikutlwe ba na lekelello e betere ya tshireletso le polokeho. Le ha re fokoditse diketsahalo tsa botlokotsebe ba kamo, sekgahla sa phokotseho ka selemo sa makala a kang boshodu, tlhaselo le polao e ntse e e ka tlase ho 7-10% eo re neng re e lebile.
Keketseho ya mefuta e itseng ya botlokotsebe ka nako ya seteraeke sa basebetsi ba tshireletso e tshwanetse ya be e re elellisitswe bohle ntlha ya hore intasteri ena ya tshireletso e ke ke ya tsamaiswa ha bonolo jwaloka kamano ya poraefete ya karolo ya poraefete. Ho qaqile hape hore tsamaiso ya melawana e teng ha e a naela. Hona ho tobile dintlha tse kang boemo ba meputso, ditsamaiso tsa kganetso, tiisetso ya tataiso ho makoloi a tsamaisang tjhelete, le tse ding.
Ena ke taba eo re tla shebanang le yona hara selemo, hore ka tlatseletso ya ho ntlafatsa mosebetsi wa mapolesa, reka kgona mmoho le intasteri ya ya poraefete ya tshireletso, ho aha tikoloho eo ho yona ditabatabelo tsa tshireletso tsa setjhaba, moo ditshebeletso tse kgolohadi di atoloswang, di hlile di a fihlellwa.
Re tla boela re tswela pele ho ekets boikgathatso ba ho ntlafatsa tshebetso ya makgotla a rona, ho eketsa sekgahla sa phokotseho ya melato e saletseng morao. Hape re tla netefatsa hore diqeto tsa ho atolosa marangrang a Ditshebeletso tsa Ditjhankana, re ntlafatse boalaodi ba tsa Taolo ya meeding hammoho le ditshebeletso tsa bofalli le ditokomane, hara tse ding, di kenngwa tshebetsong.
Boholo ba bofokodi ba ho ntlafatsa ditshebeletso tse nehwang baahi di tliswe ka karolo ke bokgoni bo fokolang le tsamaiso ho lekola ho kenngwa tshebetsong. Ha jwalo, ka nakong e lebisang ho fihla ho 2009, ntlha ya tlhophiso le bokgoni ba mmuso bo tla ba hodimo lenaneotsamaisong la rona.
Ho hlahelletseng, hara tse ding, e le sebaka se hlokolosi bakeng sa mawa a ho kena dipakeng ke dikahare tsa thupelo eo basebeletsi ba mmuso ba fumanang diinstitjhusheneng tse fapafapaneng le mosebetsi wa SA Management Development Intitution (SAMDI) eo ka nnete e tshwanetseng ho ba yona e ka sehlohong kabong ya ditshebeletso tabeng ya ho tataisa matshwele a basebeletsi ba mmuso mosebetsing.
Boemo ba phethahatso ka hara mafapha, ho amahanngwa a ditshebeletso tsa setjhaba le molawana wa bolaodi ba ditjhelete, di kopakopane. Ho qaqile hore hona ho ke ke ha dumellwa ho tswela pele, le ha re bile re hlokomela kelohloko e nepahetseng ya hore ditlhoko tsa dioditi tsabosetjhaba le ysa profense di bile matla. Ntlheng ena, ho bohlokwa ho sebedisa tsamaiso ya tumellano ya tshebetso haholo bakeng sa balaodi ba ka sehlohong.
Mananeo a ho ntlafatso ya bokgoni ba tsamaiso ya mmuso wa rona wa selehae a tswela ele. Hang hang ka mora dikgetho tsa selehae tsa Hlakubele 2006, mananeo a tataiso mosebetsing a ile a kenngwa tshebetsong, re hlokometse hore 62% ya dimeyara ba batjha.
Ho re tswenyang, fela, ke hore boholong ba bomasepala bana, bongata ba dikgeo di ntse di le teng kapa di hlahile haholo botsamaisisng bo ka sehlohong le diprofesheneng. Ho tea mohlala, ka Lwetse selemong se fetileng, 27% ya bomasepala e ne e hloka batsamaisi ba bomasepala; Ka mona ka Norh West, sekghlasa sa sekgeo batsamaisisng ba ka sehlohong se ne se le ka hodimo ho 50% ; mme Mpualanga ke fela 1% ya batsamaisi ba ka sehlohong ba phethetseng Ditumellano tsa Bohlokwa tsa Tshebetso.
Re tswela pele ho arabela iphephetso tsena mme re tla etsahatsa mesebetsi yohle e hlokehang, e tataiswang ke Mawa a Lenaneotsamaiso la Mmuso wa Selehae la Dilmo tse Hlano, le kenyelletsang hore bomasepala ba fuwe thuso e kenyang letsoho ke ditshebetso tsa mmuso le tsa diprofense, tsamaiso ya basebetsi ba nang le bokgoni ho ya dibakeng tse ba hlokang ho kenyelletswa le baithaopi ba profeshinale ho tswa bathong, le matlafatso ya dikomiti tsa sedika - 80% eo e seng e thehilwe ho ralala le naha.
Lenaneo la ho lebanya disebediswa tsa polane ho ralala le dikarolo tsa mmuso (ke ho re, Tjhebelopele ya Ntshetsopele ya Sebaka sa Setjhaba Mawa a diprofense a kgolo le Ntshetopele, le Merero e hokahneng ya Ntshetsopele) e tswelapele, le diprojeke tsa tekolo bakeng sa tebanyo e felletseng di etsahala didikeng le metseng e meholo e 13. Diprojeke tsena tsa tekolo di tshwanetse ho be di phethetswe mafelong a selemo sena.
Ke ntho e re nehang rekoto e motlotlo hore ka hodimo ho halofo ya didika lemetseng e meholo di e di tshwere Diboka tsa Kgolo le Ntshetsopele, mme tse ding kaofela di ikemiseditse ho phethela tsamaiso ena ho ya mafelong a Hlakole. Hona ho tla ala motheo wa tshebedisanommoho hara dipaterone tsa setjhaba ho akofisa ntshetsopele ya ikonomi ya selehae.
Ke tla rata ho nka monyetla wa mokete ona ho hlahisa diteboho tsa ka ho Motlatsa Mopresidente Phumzile Mlambo-Ngcuka bakeng sa bolaodi bo molota boo a faneng ka bona ho kenngwa tshebetsong ha Boikitlaetso ba Kgolo e Akofiswang le e Abelanwang (AsgiSA), a sebetsa le Matona le Diprimiri bao e leng Sehlopha sa Tshebetso, a tobane le dintlha tse ikgethileng tse tlamehang ho etswa ho netefatsa dikgahla tse phahameng tsa matsete le ho monywa ha basebetsi, ha mmoho le ditaba tse tsamaelanang le ntshetsopele ya bokgoni le ho kgona ha tshebetso ya mmuso. Re ananela haholo ho kenya letsoho ha Maloko ohle a Ekseketifi e balaodi ba rona ba basebeletsi ba setjhaba, ho ralala le makga a mararo a mmuso, ka ho etella pele tshebetso ena le ka ho kenyatshebetsong lenaneo lammuso kaofela. Hona ho bohareng ba boiteko ba rona ba ho fedisa ho hobe le ho nyonyehang metsaneng ya rona hore re tlere kgone ho bua ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.
ba motjheng le Moralo wa Molao wa Intasteri ya Setjhaba eo ha jwale e phethetsweng, re tla o matlafatsa ho kenngwatshebetsong ha mekgwa ya dikarolo tsa dikhastama ho tsamaisa matsete ho tshebeletso e kantle ya Tsamaiso ya Kgwebo, bohahlaodi, tsa dibeso le dikhemikale, le ho qetella mananeo a bonwang a meru le dipampiri, diaparo le matlalo, dimetale le boinjenere.
Ntshetsapele mananeo ho tsamaisa matsete dikarolong tsa letoto la neheletsano ya mananeo a marangrang a rona, ho kenyelletswa dithoto tsa ditjhelete ho ICT, dipalagwang le eneji; mabai leeneji, re tla potlakisa mosebetsi wa rona ho netefatsa boitshetleho bo boholo hodima ho fehlwa ha matla a nuclere, gase ya tlhaho le mefuta e fapaneng ya mehlodi e ka ntjhafatswang ya eneji. Mabpi le dikgokahano, ke thabile ho tsebisa hore Lafapha la tsa Dikgokahano mmoho le dikhampani tsa mehala e tsamaiswang le Telkom selemong sena ba qetella morero wa ho tobana le tefelo ya ho kgaotsa mohala molemong wa basebedisi. Ho eketsa moo, Telkom e tla sebedisa ditefelo tse ikgethileng bakeng sa sekgamu sa boditjhabatjhaba dikarolong tsa ntshetspele ya mehala tse 10 e nngwe le e nngwe e hira batho ba 1000, e le karolo ya ho atolosa sedika s BPO. Dikarolo tsena di tla thewa dibakeng tse hlwailweng ke mmuso. Ditefelo tse ikgethileng di tla bapiswaka ho otloloha le tseo tsa tshebeletso le bokgoni bo tswanang ka kgwedi tse nehelwang ke dinaha tse ding.
Hape retla nka mehatoe fapaneng ho ntlafatsa phehisano ho tsa ikonomi, hara tse ding ho theola ditjeo tsa ho hwebisana le ho hodisa matsete, ho kenyeletswa tsebiso ya tshebetso ya Regulatory Inpact Assessment (RIA), ntshetsopee ya bokgoni ba lebeleo le hodimo la boditjhabatjhaba, ho phethelamoralo wa h ntlafatsa bokgoni ba tshebetso ba batsamaisi ba tsa seporo le dikou, le ho matlafatsa phethahalo ya balaodi ba phehisano.
Tswelopele eo re entseng tsehetsong ya Dikholetje tsa Thuto le Thupelo e kolwane (FET) e bopile kgonahalo ho rona ho ka eketsa palo ya ditsebi tse teng. Ho qala selemong sena, disebediswa di tla ajwa ho fana ka dithuso tsa ditjhelete ho ba rupellwa ba hlokang, ba kenang diinstitjhusheneng tsena. Ka yona nako eo, re tla rarolla ka potlako ntlha ya maikarabelo mahareng a dididkadikwe tsa setjhaba le tsa diprofense bolaoding ba lekalala FET. Re tshepahore maiteko a rona a ho ntshetsapele sebaka sena sa monyetla a tla thusa ho romela molaetsa, haholo batjheng, hore bokgoni ba ditsebi bo bohlokwa bakeng sa kgolo ya ikonomi fela jwaloka dithuto tse ding.
Ka morakgokahano e keneletseng mahareng a mmuso le baetapele ba duyunibesithi tsa rona, ho fihlelletswe tumellano le ho nkwa diqeto ka disebediswa tse hlokahalang ho netefatsa hore bokgoni bo haellang bo a nehelwa.
Jwaloka ha maloko a hlomphehang a tseba, re ekeditse haholo lenaneo la dikolo tse sa lefellweng.
Ha re tsamaisa marangrang ana le mananeo a mang re tla tataiswake boitelo ba rona ho netefatsa hore Mohope wa Lefatshe wa 2010 ke o motle-motle ka ho fetisisa. Re rata ntlheng ena ho thoholetsa Komiti ya Tlhophiso ya Selehae ya rona (LOC) le balekane ba bang ka mosebetsi o tswileng matsoho oo ba o etsang.
Ho a qaqa hore, ho netefatsa hore maAfrika Borwa ohle a natefelwa ke thabo e tliswang ke ikonomi e holang, ditshebetso tsena le tse ding di tla tsamaisana le mananeo a mang a keneletseng ho toba diphephetso Moruong wa Bobedi.
Tshebetso ya Bili ya Dikhampani, e nkilweng ke kabinete bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka laboraro le fetileng, e le karolo ya letoto la mekgwa ya hom fokotsa boima ba taolo e tobileng dientaprise tse nyenyane, tse bohareng le tse kgolo le ho matlafatsa bengdikabo ba banyenyanele basebetsi.
Re fetileng pehelo ya eo re ipehetseng yona ya 10 000, re tla eketsa palo ya batjha e nkang karolo Tshebeletsong ya Setjhaba ya Batjha ka bonyane 20 000 ka mafapha a rona a 18 ao a seng a nsheditsepele meralo ntlheng ena, re ngodise baithaopi ba banyane dilemong ba 30 000 boikitlaetsong ba ntshetsopele ya setjhba, re hire batho ba batjha dilemong b 5 000 e le karolo ya Lnaneo la Tshebetso ya Setjhaba la Katoloso ho hlokomela meaho ya mmuso.
Ho qalella ho kenya tshebetsong Molawana wa Ditokelo tsa Lefatshe la Karolelano ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebediso ya ikonomi ya lefatshe le arolelanwang, ha ka nako e le nngwe re atolosa dithuso tse kang nosetso, dipeo le disebediswa ho balemi ba banyenyane le ba baholwane.
Mananeo a ikonomi ao re boletseng ka ona a bopa karolo e kopaneng ya ho sututsa eo Afrika Borwa yohle e tshwanelang ho nka karolo ka mothati wa ho fokotsa boemo ba bofumanehi le ho se lekalekane setjhabeng sa rona. Ho rona ha se poeletso fela ho tiisetsa hore katleho ya temokerasi ya rona e tlameha hape e tla lekolwa ka mehato e bonahala eo re e nkang ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba makaqabetsing haholo ba setjhaba sa rona.
Hore re tle re kgone ho ntlafatsa mananeo a setjhaba ao re a kentseng tshebetsong ka dilemo, re ikemiseditse selemong sena ho phethela mosebetsi o seng o qadilwe ho lokisa tshebetso ya rona ya tshireletso ya setjhaba hore ho kenngwa tshebetsong hwa mekgahlela ho ka qalella e sa le nako. Karolo e hlokolotsi ya tokiso ena ke mosebetsi wa ho lokisa sepha se hlwailweng raporotong ya Komiti ya Diphuphutso ka hara tsela ya Tshebetso e Kenelletseng ya tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa ya 2002. Hona ke hore tshiya tse amohelang meputso tse kenyang letsoho tsa tshebetso ya tshireletso ya setjhaba ha e yo kapa ha e tshepahale bakeng sa lenaneo le lengata la bato ba sebetsang. Molao a tataisang tlhahiso ena ke hore, ka hodima tshebetso ya thuso ya setjhaba e hlahiswang ka tekanyetso ya mmuso, re hloka ho hlahloba ho kenya tsebetsong thuso ya tshireletso ya setjhaba e amahanngwang le moputso e tsebiswang ke molawana wa kopano ya setjhaba.
Lekgetho la tshireletso ya setjhaba ho lefella dipolokelo tsa motheo tsa ho bea meja fatshe, lefu, ho sa itekanele le diphumantsho tsa ho hloka mosebetsi.
Letona la tsa Ditjhelete le tla hlalosa ha batsi ka dintlha tsena puong ya hae ya Tekanyetso. Hoo re tshwanetseng ho ho ela hloko hona ke ha re phethela diphatlalatso tse ntjha tsa tshireletso ya setjhaba, mmuso o tla ikitalelletsa tsamaiso ya ditherisano le alekane bohle ba setjhaba e lengka bomong kapa ka NEDLAC.
Ka tlatsetso re qalelletse ho hlahloba ditsela tsa ho fihlella bana ba makaqabetsing ba ka hodimo ho dilemo tse 14.
Ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha projeke ya matlafatso ya ditekesi, ho kenya tshebetsong merero e hlalositsweng bakeng sa bapalami ba terene le ba dipalangang tsa mebileng ho kenyeletswa bus Rapid Transport System metseng e meholo le matlafatso ya Metrorail: mme ntlheng ena, e re ke nke monyetla ona ho hatella hore mmuso le balekane ka rona ho SANTACO re ke ke ra qobellwa ka dikgoka ho nyahlatsa projeke ya matlafatso ya ditekesi, mme ho tla sebetswa ka maiteko a mang le a mang a ho kgella fatshe molao wa setjhaba e le ho lelekisa ditabatabelo tsa boikgopolelo.
Ho tswela pele ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa ho lefela ba porofeshene ya tsa bongaka, l ho nehelana ka mehlodi e meng hape ho ntlafatsa boemo ba meputsoya matitjhere.
Ntshetsa pele mosebetsi ho tobana le disosa haholo tseo e seng tsa tlhaho tsa lefu hara setjhaba sa rona hammoho le mafu a tsamaelanang le mokgwa wa bophelo, malaria, mekgahlelo e fapafapaneng ya TB, dikotsi tsa mebileng le botlokotsebe bo nyarosang.
Ntlheng ena, mmuso o itela ho matlafatsa tlhokomediso kgahlano le HIV le AIDS le ho ntlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha dikarolo tse kenelletseng tsa mawa a tshebetso jwaloka thibelo, tlhokmelo ya ba hae le kalafi. Re tla netefatsa hore selekane se theilweng ka dilemo se a matlafatswa, le hore mawa a kanelletseng a lokisitsweng kgahlano le AIDS le tshwaetso ya mafu a thobalano a phethelwa ka pleka moo ho kganahalang.
Selemong sena re tla phethela merero e tsitsitseng ya ho kenngwa tshebetsong ha mekgahlelo ya ho qetela ya mananeo arona ho fihlellela tseo re ipehetseng tsona ka phihlello kabo ya metsi ho bohle ka2008, tsamiso ya dikgwerekgwere ka 2010 le motlakase ka 2012. hape re tlaphethela mawa le mananeo ho tobana le dintlha tsa kopanelo ya setjhaba, ho keyelletswa le mawa a kenelletseng a hokahaneng a kgahlano le bofumanehi ao re seng re a boletse, ha mmoho le ho tobana le dintlha tse amanang le setjhaba se kopaneng, ditheo tsa bohlokwa le boitsebiso.
Boiteko bona bohle, Mofumahadi Sebui le Modulasetulo, di tsamaisana le tjheseho e tswelang pele ya ho ntlafatsa polokeho le tshireletso ya metsana. Ntlheng ena, mmuso o tlanetefatsa hore diqeto tse seng i nkilwe maoka le ho matlafatsa ntwa ya rona kgahlano le botlokotsebe di kenngwa tshebetsong. Phephetso eo re tobaneng le yona ho shebana le ntlha ena ha e amane ho hang le melao.
Ekampane, ho hokehang ke tlhophiso e phethahetseng, pokelletso le bolaodi ba matshwele a baqobelli ba molao, tsa mahlale le bahlanka ba ditjhankana le basebeletsi ba tsa toka. Bongata ba basebeletsi bana ba mmuso ba bontshitse hape le hape hore ba ikemiseditse ho kenya maphelo a bona kotsing le ho tella nakonyana e nnyane ya boleng eo ba ka bang le yona le malapa a bona tshreletsong ya tokolphp le tshireletso ya rona.
Tlisa bokgoning bo lekaneng dilaboratori tsa forensiki tse hoketsweng ka thekenoloji ya ha jwale, le ho netefatsa tshebediso e hodimo ya motheo wa dintlha - ka nnete bongata ba dikatleho tsa ha jwale tharollong ya botlokotsebe bo tiileng di thusitswe haholo ke ditshebetso tsena.
Phethele dielemente tsa mokgwa wa ho fetola makgotla le ho ntjhafatsa tshebetso ya ona, ka dipuisano le diinstitjhushene tsena tsa bohlokwa tsa temokerasi ya rona.
Ntlafatsa manollo ya rona ya mefuta ya botlokotsebe ho ntlafatsa tshebetso ya rona maloka le thibelo le phediso ya botlokotsebe. Ntlheng ena, re tlameha ho arabela nnete e re tobileng hore, fela jwaloka mafatsheng a mang, boholo ba botlokotsebe bo nyarosang bo etsahala haholo dibakeng le hara ba kobo di mahetleng, mme bo hloka ho kena dipakeng ho matla bo lebisitsweng thibelong ya botlokotsebe ho tswa ho baahi.
Jwaloka ha re se re boletse, ditsela tsena le tse ding di tlaatleha ha fela re ka aha selekane se matla ka hara setjhaba sa rona le mahareng a setjhaba le mapolesa, ho thatafaletsa ditlokotsebe bophelo hang le hahaholo.
Ntlheng ena, re haulwa ke qeto e bontshitsweng ke baeteledipele ba tsa kgwebo le sedumedi ho matlafatsa dilekane tse kang tsena ka hara batho, le ho nehelana ka nako le disebediswa tsa bona ho matlafatsa twantsho ya botlokotsebe. Mmuso o tla etsa karolo ya ona ho netefatsa hore dilekane tsena di sebetsa ka nnete, le hore re bohle mmoho ho ntsha boikarabelo ba ho sirletsa baahi.
Ke tlameha ho bolela ntlheng ena hore Lefapha la Polokeho e Tshireletso le Ditshebeletso tsa Mapolesa ba shebane le tshisinyo ya ho ntlafatsa phathahatso ya bohlokwa ba diforamo tsa Mapolesa a Setjhaba.
Ho ntlafatsa ho ya pele ditshebeletso tsa ona bathong, mmuso o tlameha ho phahamisa bokgoni ba ona le tlhophiso.
Phethela, nakong ya dikgwedi tse 18, molao maloka le tshebetso e le nngwe ya setjhaba mmoho le ditlwaelo le dihlopha tse tsamaelang, molawana wa tefo o amang ditheo tsa kalafi le tsa ho bea meja fatshe.
Ho ntlafatsa puso hape o bolela ho ba le motheo wa dintlha maloka le ditheo tsa metsana ka hara metse. Ntlheng ena; diphuphutso tse kgolo di tla etswa ka 2007. Nakong ya matsatsi a mabedi a fetileng, basebetsi ba 6 000 ho tswa Statistc South Africa ba ile ba tswa ka bophara ba ba naha ho bokeletsa tlhahisoleseding ho tswa malapeng a 280 000 a kgethilweng ho nka karolo phuputsong tsa setjhaba, e tla neha mmuso setshwantsho sa maemo a baahi ka nepahalo ho tswa dikarolong tsohle tsa naha.
Ka Mphalan batho ba bang ba 30 000 malapeng a 8 000 ba tla kgethwa ho nka karolo paneleng ya pele ya Afrika Borwa e bitswan National Income Dynamic Study. Batho bana ba 30 000 ba tla lebelwa ka nako e itseng, ho eketsa kutwisiso ya rona ya ditho tse kang ho falla, mmaraka wa tsa mesebetsi, motsamao wa batho ho latela meloko le ho thewa le ho qhaqheha ha malapa. Ke rata ho nka monyetla ona ho bitsa bohle ba kgethilweng ho fana ka tshebedisano dintlheng tsena tsa bohlokwa.
Hara diphihleleo tse kgolo tsa batho ba Afrika dilemong tse pedi tse fetileng e bile ho kgutlisetsa kgotso Seterekeng sa Great Lakes. Re motlotlo jwaloka maAfrika Borwa, ka seabo seo setjhaba sa rona se bileng le sona ho thuseng ho tlisa sena - ho tloha ka bahlankana le baretsana ba Lebotho la Tshireletso ya Setjhaba ho ya ho basebeletsi ba diinstitjhushene tsa setjhaba le tsa poraefete ba faneng ka nako ya bona ho etsa hore toro ya Afrika e phethahatswa lehaeng la Patrice Lumumba.
Re tla tswelapele ho sebetsa le dikgaetsedi ho tswa DRC, mmohole Burundi, Comoros, Sudan haolo ho netefatsa hore bomo ba kgotso le botsitso tse teng ho fihlela jwale di fetisetswa ntle l kgefutso ho ba diketso tsa kaholetjha le ntlafatso ya setjhaba.
Le ha ho le jwalo, ha re le tokelo ya ho keteka tlholo eo Afrika e e fihleletseng tjhesehong ya hae ya ho fihlella kgotso le ntshetsopele, re ke ke ra kgella fatshe diphephetso tse re tobileng tsa ho seetsana le dikarolo ts setseng tsa phapang, haholo tsamaiso ya tsa kgotso ho la Sudan, ho keyelletswa le boemo ba Darfur, Cote d'Ivoire le Somalia.
Mmuso wa rona o tla arabela ka tshwanelo mme ha bokgoni ba rona bo re dumella, pitsong ya Kopano ya Afrika bakeng sa thuso ho batho le mmuso wa Somalia. Ho hlokolosi ntlheng ena ke boikitlaetso bo etsahalang ho netefatsa hore balwantshan ka hara Somalia ba a hokahana ho fumana tharollo e kgonahalang, e theilweng hodimo tlhoko ya ho fihlella peolano ya setjhaba.
Selemong sena African peer Review Forum e tla phethela bolekodi ba naha ya rona. Ke rata ho nka monyetla ona ho leboha balekgotla, matona a mmuso le mafapha, mekgatlo ya basebeletsi ba mmuso le setjhaba ka hohle-hohle bakeng saho kenya letsoho tlhakisong e neng e phephetsa jwaloka ha e ne e le qohollehile bakeng sa temokerasi ya rona e nyenyane. Re tla nka mehato e lokelang ho kenya tshebetsong mananeo a hlkoehang a ketso a tla hlaha ka lebaka la tsamaiso ya tekolo ena ya sethaka.
Ka ho tshwna, re tla tswela pele ho sebetsa le kontinene kaofela le balekane ba ntshetsopele ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha manane a NEPAD.
Ka pelenyana ho kgwedi, Afrika Borwa e qadile bohahlaodi ba mosebetsi e le setho seo e seng sa dinako tsohle sa United Nations SecuritynCouncil. Re rata ho ikana , boemng ba batho ba Afrika Borwa hore re tla , mokgatlong on o hlomphehileng ha kana, etsa sohle se lokelang ho kenya letsoho ho kgotso le tshireletso ya lefatshe.
E nngwe ya dipotso tse hlokolosi eo re tla e latella ntlheng ena ke dipuisano tse potlakileng tsa Doha Development Roud ya WTO. Re kgodisehile hore ditharollo tsa diqaka tsa ha jwale di ka fihlellwa, le hore ho molemong wa nako e telele wa dinaha tse tswetseng pele le tse tswelang pele ka ho tshwana hore dipisano tsena di phethelwe.
Ho tloha ka thomo e atlehileng ya 2004, re re tswetsepele ho fetolela Afrika Borwa botleng. Ha re a tlameha le ho tswhwanela ho kgella fatshe mathata a mangata ao re sa ntseng re tlakopana le ona.
Empa molaetsa oo boiphihlelo ba rona bo kopaneng bo o fetisetsang ho rona bohle ke hore, re sebetsa mmoho, re ka kgona hape re tla atleha ho fihlella maikemisetso a tshwanang ao re ipehetseng ona jwaloka setjhaba - ho aha bophelo bo beter bakeng sa bohle, naheng e sa hloleng e fupere le ho emela tsohle tse me le tse nyonyehang bothong.
Re tlameha kajeno, haholo ka boitshepo, ho bua mmoho ka tokoloho.
Ha jwale ha re so fihle. Empa ha ho e mong, kantle ho rona, ya tlanetefatsa hore toro ena e a fihlellwa. Mme he, ha re phahamiseng ke hona matsoho a diaparo tsa rona re sebetseng, re utlwisisa ka botlalo hore mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo re e labalabelang ke boikarabelong boo re bo arilelanang.
<fn>sot_Article_National Language Services_AMENDMENTS AGREED TO.txt</fn>
letsatsi la tshebetso?
Tefo efe kapa efe eo Mmuso o e etsang nakong ya selemo sa ditjhelete se qalang ka la 1 Mmesa 2002 ka morero wa ho phetha boitlamo kapa ho lefella melato ho latela karolo ya 3(b) e lokela hore e be ditshenyehelo tse otlolohileng tse ntshuwang Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha ho fihlela ditefello tseo di se di sa kgonwe ho leshwa ho tswa ditjheleteng tse abilweng tlasa Ditekanyetso tsa Matlo tsa Molao wa Kabo o tshwanetseng.
Tefello efe kapa efe ya phaello le tefo ya boitlamo le melato efe kapa efe dilemong tse latelang tsa ditjhelete e tla ba tefiso e otlolohileng ho tswa Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha jwalo ka ha e ka ke ditefello tsa dikadimo jwalo ho ya ka karolo ya 73 ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 (Molao wa Nomoro ya 1 wa Selemo sa 1999).
<fn>sot_Article_National Language Services_BASADI DIKGAUNG TSA M.txt</fn>
Ka ho ela hloko seabo seo basadi ba bileng le sona, mme seo hape ba ntseng ba tswela pele ho ba le sona mokgeng wa metsi mona Afrika Borwa, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru, ka tshehetso ya Khomishene ya Diphuputso ya Metsi le Institjhute ya Metsi ya Afrika Borwa, selemo le selemo di tshwara mekete ya ho aba dikgau tse tsejwang ka Basadi Dikgaung tsa Metsi.
Seabo sa bohlokwa seo ba bang le sona ka metsi tekong ya ho fedisa bofuma, thutong le ntshetsopeleng e tswellang dibakeng tsa ditoropong ekasitana le ho tsa mahaeng.
Taolo le ho etswa ha Diqeto.
Batho ba thongwang dihlopheng tsena e ka ba motho a le mong kapa sehlopha. Dikgau tsena di tla fuwa basadi ba fihletseng maemo a itseng, basadi ba sebeditseng ka bokgabane mosebetsing wa bona, mme ba kentseng letsoho ka mokgwa o bonahalang haholo mokgeng wa metsi mona Afrika Borwa.
Bokgabane ba ho susumeletsa.
Diforomo tse tlatsitsweng tsa ho thonya mabitso a batho di lokela ho kena pele ho feta la 15 Pudungwana 2004.
<fn>sot_Article_National Language Services_BASADI METSING, TSAMA.txt</fn>
Ka mora selemo sa 1994, Palamente ya rona e na le tekanyetso e kgolohadi ya basadi lefatsheng basadi ba matla, ba ikemetseng le ba itetseng. Re amohetse Seboka sa ho Fedisa Kgethollo ya Basadi. Re na le basadi bao e leng Matona, basadi ba etelletseng pele mafapha a matla, basadi bao e leng baetapele kgwebong le indastering, basadi ba etelletseng pele ditjhabana tsa bona. Mme mafapheng a metsi, moru le tsamaiso ya dikgwerekgwere re na le basadi ba bangatangata ba iponahaditseng?
Ho a tshwaneleha ho hlokomela seo basadi ba se etsang , mme ba tswela pele tsamaisong ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le moru Afrika Borwa e le hore Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru, Khomishene ya Phuputso ya Metsi le Institjhute ya Metsi ya Afrika Borwa ka bobedi di ntsheditse pele Basadi Dikgaung tsa Metsi, jwale di se di bitswa Dikgau tsa Basadi Metsing, Tsamaisong ya Dikgwerekgwere le Morung.
ho ba le seabo ha basadi ba diprofeshenale le ba sebeletsang setjhaba tsamaisong ya metsi, dikgwerekgwere le moru, le seabo sa bohlokwa seo basadi ba nang le sona mabapi le metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, moru le phediso ya bofuma, thuto le ntshetsopele e sa kgaotseng ditoropong le mahaeng.
Ho thakgolwa ha Dikgau tsa Basadi Metsing ka Tlhakubele 2002, ho ile hwa supa qalo ya tlwaelo ya bohlokwa mokgeng wa metsi le meru mona Afrika Borwa.
Tsamaiso le ho Etsa Diqeto.
Ba thontsweng dihlopheng tsena e ka ba motho ikemetseng a le mong kapa sehlopha. Dikgau di tla nehwa basadi ba boemo, basadi ba sebeditseng ka bokgabane bo boholo, mme ba bileng le kabelo e bonahalang mokgeng wa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le merung mona Afrika Borwa.
tshebediso ya tsebo, bokgoni, le bokgoni bo boholo ba ho etsa bonnete ba hore tsamaiso ya metsi, dikgwerekgwere le meru mona Afrika Borwa e ba le kabelo kahong ya Afrika Borwa eo e leng ya bohle ka sebele.
O kotjwa hore o tlatse foromo ya kopo mme o hatise ka ho hlaka dintlha tse kopilweng. Diforomo tse thaepuweng le tsa elektroniki le tsona di amohelehile.
Foromo ya ho thonya e lokela ho tsamaya le lengolo le hlahisa mabaka le ngotsweng ka letsoho kapa le thaepuweng, mme lona le be le mantswe a pakeng tsa 500 1 000. Ka ho sebdisa ditsela tse boletsweng mona ka tlase, lengolo la hao le hlahisang mabaka le lokela ho bolela hore ke ka baka lang motho/sehlopha seo se thontsweng se lokela ho fumana kgau?
Lereo lena mothonguwa le bolela motho ya mong kapa sehlopha se thontsweng?
Diforomo tsa ho thonya di lokela ho kenyelletsa dintlha tsa batho ba babedi bao ho ka iteangwang le bona ekasitana le dintlha tsa motho ya thontseng (motho ya hlahisitseng lebitso la mothonguwa).
Bontsha ka ho hlaka mokga (wa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru) oo motho ya thontsweng a nang le seabo ho ona.
Hona ho lokelwa ho sebediswa jwalo ka tataiso ya ho thonya mosadi/basadi ba nang le seabo diprojekeng tse tlwaelehileng le tse sa tlwaelehang tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le meru.
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ha jwale ba sebetsa / ba na le seabo mokgeng wa ditaba tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru?
Ke mosebetsi ofe oo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba o entseng ho dife kapa dife tsa mekga ena?
Na mosebetsi / projeke o bontsha jwang boqapi ba yona le ho ba ya mantlha e sa kopitswang ho tse ding?
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba bontshitse jwang mekgwa ya bona ya bokgoni ba tsamaiso kapa boetapele?
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba tsamaisitseng projeke ka teng ka ho sebedisa mehlodi ya thuso e jwalo ka tjhelete, batho le nako?
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba sebedisitseng ka teng mehlodi ya thuso bakeng sa ho phetha mosebetsi / projeke?
Na mosebetsi / projeke e thusitse ba bang jwang hore ba fetole mehopolo ya bona, maikutlo kapa diketso tsa bona mabapi le metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru?
Na mosebetsi / projeke e bile le seabo jwang kgolong le katlehong ya nako e telele ya diprojeke?
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba ileng ba kenyelletsa setjhaba kapa baahi mosebetsing / projekeng le ka moo mosebetsi / projeke e bileng le sephetho ka teng kapa e ammeng setjhaba ka kakaretso.
Re bolelle ka diphepetso tseo o teaneng le tsona, ha mosebetsi/projeke e ne e qala.
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba kentse letsoho jwang diqetong tse entsweng tse ammeng projeke Ke diqeto dife tseo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba di entseng jwalo ka sehlopha / motho ya mong tse fetotseng boemo projekeng/mosebetsing?
Na motho/batho ba thontsweng ba boloka jwang rekoto ya diketsahalo tsohle tsa mosebetsi / projeke mme na direkoto tsena di a fumaneha hore di lekolwe ha di kotjwa Na motho/batho ba thontsweng ba tlaleha jwang kgatelopele ya mosebetsi / projeke?
Na motho/batho ba thontsweng ba itshusumetsa kapa ikgothatsa jwang bona ka bo bona kapa batho ba bang hore ba ntlafatse le ho fihlela sepheo le maikemisetso a bona?
Letsatsi la ho qetela la ho romelwa ha mabitso a thontsweng ke la 30 Mmesa 2006 mme qeto ya baahlodi ke yona ya makgaola kgang.
Ke feela diforomo tsa kopo tse tlatsitsweng ka botlalo tse tla amohelwa, mme di lokela ho kenyelletsa lengolo le hlahisang mabaka le nang le mantswe a 500 1000 mabapi le kabelo kapa seabo sa motho ya thontsweng mokgeng wa metsi, meru kapa tsamaisong ya dikgwerekgwere?
Bafenyi ba dikgau ba tla phatlalatswa Kgweding ya Naha ya Basadi ka 2006.
Diforomo tsa kopo tse tla tliswa ka matsoho, tsa romelwa ka fekse, tsa romelwa ka mokgwa wa elektroniki kapa tsa poswa di tla amohelwa.
Ho ka nna ha kgethwa ho tswa dihlopheng tse fetang se le seng.
Ha o thonya lebitso la hao ka seqo, ho tla nne ho sebetse melawana le mekgwatshebetso e tshwanang.
O ka iteanya le Mohlanka wa Dikgokahano wa ofisi e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru Lebatoweng.
Ela hloko: O ka kgetha dihlopha tse fetang se le seng. Mabaka a ngotsweng fatshe a lokela ho hlalosa hantle haholo sehlopha seo o se kgethileng.
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse sebetsanang le phuputso/dipatlisiso mekgeng e fapaneng (metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le meru).
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse sebetsanang le phuputso/dipatlisiso mekgeng e fapaneng metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru.
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse rutang ebile di lemosa baahi ka ditaba tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru.
Sehlopha sena se kenyelletsa tsamaiso kapa qeto tse entsweng ke motho ya thontsweng/batho ba thontsweng mosebetsing/projekeng/diprojekeng.
Re kopa hore o re nehe dintlha tsa bao re ka iteanyang le bona bakeng sa direferense tse pedi, e leng ba tsebang hantle haholo mofuta wa mosebetsi/projeke eo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba o etsang, o nang le kabelo mokgeng wa metsi, tsamaisong ya dikgwerekgwere le morung.
Lebitso le Sefane...
Lebitso le Sefane...
<fn>sot_Article_National Language Services_BATHO PELE 1.txt</fn>
Lefapheng la: Ditaba tsa Metsi le Meru, re kgothaletsa puisano le mosebedisi ya hlomphehang wa ditshebeletso tsa lefapha e le hore re tle re ntlafatse ditshebeletso tseo re fanang ka tsona. Ka tjantjello ya rona ya ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso tsa rona, re kopa hore o arabe dipotso tse latelang.
O bona tshebeletso ya rona e le jwang?
Ha o batla thuso lefapheng ho ba jwang?
O thuswa ka pele ho le hokae?
Mohlanka wa mmuso ya o thusitseng o ne a le jwang?
Ke hokae Lefapheng (Bookameding/ho mohlanka wa mmuso) moo thuso e ileng ya lebiswa teng?
Re ka ntlafatsa tshebetso ya rona jwang e le hore re tle re o thuse hantle?
A ko kgethe mosebeletsi ya ileng a o thuswa hantle, mme a o kgahla.
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI 1.txt</fn>
Ho lokisetsa tshireletso, bophelo bo botle le matlafatso ya batho ba hodileng; bakeng sa poloko le phahamiso ya maemo, ditokelo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya batho ba hodileng; bakeng sa tlhokomelo ya tse molemong wa bona; ho thehwa le ho ngodiswa ha dibaka tse itseng; bakeng sa bodulo le tlhokomelo ya batho ba hodileng ba dibakeng tseo; le dintlha tse ding tse amanang le tsona.
LE JWALOKA ho nkuwa e le hwa bohlokwa hore diphetoho di kenngwe melaong e nseng e sebetsa e mabapi le batho ba hodileng le hore, jwalo ka mohato wa pele ntjhafatsong ya merero yohle ya batho ba hodileng ba Afrika Borwa, e meng ya melao eo e lokela ho hlaloswa botjha ka morero wa ho etsa hore ho etsa ho be le phihlello, tekano le kgonahalo ya ditshebeleteo bakeng sa batho ba hodileng le ho ba matlafatsa hore ba tswelepele ho phela ka phethahalo le ka tshwanelo setjhabeng se ba bonang e le mehlodi ya bohlokwa ya ntlafatso ya bophelo le tsebo e kenelletseng.
bophelo bo tsheheditsweng?
v tlhokomelo ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshehetso?
ditsha tsa setjhaba?
x sebaka moaho o tsamaiswang bakeng sa ho fana ka bodulo, tlhokomelo ya setjhaba, phumantsho ya matlo, tlhokomelo le ditshebeletso tsa tshehetso ya batho ba hodileng mme o kenyelletsa dihlopha tsa theko ya dijo, tshehetso ya bodulo le dibaka tsa tshireletso?
tlhokomelo ya ba fokolang?
motho ya fokolang?
tlhokomelo ya ka lapeng?
xvii motho ya hodileng?
xviii motho ya hodileng a hloka tlhokomelo le tshireletso?
xxiii mofani ka tlhokomelo ya bophelo bo botle wa profeshenale?
xxviii sebaka sa tshireletso?
xxix mosebeletsi wa setjhaba?
xxx Molao ona?
xxxi mokgatlo wa thekolohelo?
Molao ona o sebetsa bathong ba hodileng bohle, motho ka mong, lelapa, Mokgatlo o sa Etseng Phaello, mokgatlo wa thekolohelo le mokgatlo o nang le seabo tlhokomelong ya motho kapa batho ba bangata ho feta bonngwe.
Molao ona o sebetsa ho phatlalla le Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Dipehelo tsa Molao ona di sebetsa ka ho lekana dibakeng tsa Mmuso le tse tsamaisong ya Mmuso.
Tshebetso ya Molao ona bathong bao e seng baahi ba Afrika Borwae tla ba ho ya ka tumellano e tekennweng pakeng tsa Rephaboliki ya Afrika Borwa le naha eo motho eo a hlahang ho yona.
n ho kgaotswa ha ho lefa direiti tsa thepa le lekgetho; le o phumaneho le phihlello ya dipalangwang tsa mahala bathong ba hodileng.
a dibaka le ditshebeletso bakeng sa batho ba hodileng; le b thuso ya dibaka le ditshebeletso tsa mekgatlo eo e seng ya mmuso le makala a mang a mmuso bakeng sa phano ka dibaka tsena le ditshebeletso.
Ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona di lokela ho tsamaelana le ditlwaelo le maemo bakeng sa ditshebeletso tse jwalo ho ya ka dipehelo tsa Letona ka mora ditherisano le Komiti ya Letona le DLP tsa Ntshetsopele ya Setjhaba, Komeshene ya Ditjhelete le Letona la tsa Ditjhelete.
Ha e le hore thuso ya ditjhelete e lefuwa ho latela karolo ya 5, Letona le lokela ho fana ka maemo a tshebediso a thuso eo, ho kenyelletsa le dipehelo mabapi le dibuka tsa ditjhelete bakeng sa thuso e lefuweng.
Mokgatlo ofe kapa ofe oo thuso e lefuweng ho ona ho ya ka karolo 5 o lokela ho sebedisa, le ho ikarabella bakeng sa thuso ho ya ka dipehelo tse hlahellang karolwaneng ya 1.
E bang pehelo e hlahellang karolwaneng ya 1 ho sa ikamahanngwa le yona, letona ka mora tlhokomediso ya kgwedi pele le ka etsa jwalo, le tla hula tshehetso e jwalo.
Mokgatlo le ha e le ofe o lefuweng tshehetso ho ya ka karolo ya 5 o tla ikarabella ho busetsweng ha tjhelete e sebedisitsweng kgahlano le pehelo e hlahellang karolong ya 1.
Ha ho na ho ba le mokgatlo kapa motho ya tlang ho tsamaisa sebaka, ntle le sebaka se tsamaiswang ke Mmuso, ntle le hore sebaka se jwalo se ngodisitswe tlasa karolo ena.
E bang mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho a batla ho bula sebaka mokgatlo oo kapa motho, ka mokgwa o laetsweng, a etsa kopo ho Letona bakeng sa ngodiso ya ona.
a hana kopo kapa la fana ka yona ho ya ka dipehelo tseo a tlang ho di beha, mme ha a fana ka tumello, a laela hore ho ntshuwe lengolo la ngodiso le hlalosa dipehelo tseo ho mokopi foromong e laetsweng; kapa b ho latela maemo ao a tla beng a a behile, a ka hlalosa, a fana ka matla ho moikopedi ho sebetsa ka sebaka bakeng sa nako e sa feteng dikgwedi tse leshome le metso e mmedi, jwalo ka ha Letona le ka hlalosa, le laela hore lengolo la nakwana la ngodiso le fanang ka dipehelo tseo le fuwe moikopedi ka foromo e lokiseditsweng hona bakeng sa nako eo, mme ka mora pheletso ya nako eo, kapa ka mora ngodiso ka moikopedi ka mokgwa o behuweng hore pehelo e boletsweng e latetswe, le ha e le hofe ho tlang pele, a ka ananela kopo.
Letona nakong e nngwe le e nngwe ka mora tlhokomediso ya kgwedi ka maikemisetso a lona, le ka mora tekolo ya dintlha tseo ho fanweng ka tsona ho lona kgweding eo, le ka nna la lokisa kapa hlakola lengolo la ngodiso le ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a, ho latela dipehelo tsa karolwana ya 5.
Tokiso kapa tlhakolo ya lengolo le jwalo la ngodiso e lokela ho etswa ka tlhokomediso ya monga lona, mme le lokela ho qala ho sebetsa ka letsatsi le hlahellang tlhokomedisong, nako e seng dikgwedi tse tharo pele ho tloha tsatsing la tlhokomediso, ntle le ha Letona le monga lengolo la ngodiso ba dumellane ka mokgwa o mong.
Mokgatlo kapa motho eo lengolo la ngodiso le fuweng yena ho ya ka karolwana ya 3, a keke a le fetisetsa ho mokgatlo o mong kapa motho ofe kapa ofe.
Ha ngodiso ya sebaka e hlakotsweho latela karolwana ya 4, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala ka baka le ha e le lefe, o tla lokela ho nka mehato e hlokehang ho netefatsa hore ho kwalweng ha sebaka se jwalo batho ba hodileng ba sebakeng se jwalo ba fumantshwa bodulo sebakeng se seng kapa le batho ba bang, bao ho ya ka maikutlo a mosebeletsi wa setjhaba, ba loketse ho ka dudisa motho ya hodileng kapa batho ba hodileng.
Motsamaisi wa sebaka seo hang hang pele ho ho qala ha karolo ena ho thuswa ka ditjhelete ke Mmuso, o tla lokela ho se ngodisa nakong ya dikgwedi tse 12 tsa ho qala ha karolo ho latela dipehelo tseo Letona le ka di hlalosang.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya sa ikamahanyeng le dipehelo tsa lekala lena, kapa taelo e behuweng tlasa ona, o molato wa ho tlola molao.
Motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo o tsamaisang setsha sa setjhaba kapa sehlopha sa theko ya dijo kapa ya fanang ka tlhokomelo ya ka lapeng kapa ditshebeletso tse jwalo ho batho ba hodileng, o lokela ho tsebisa Letona ka lengolo ka boteng ba setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso.
E bang setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso e lakatsa ho etsa kopo ya tshehetso, monga yona o lokela ho etsa kopo ya ngodiso, foromo e loketseng, ya setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso.
Motho ofe kapa ofe eo, ntle le ho hlokomedisa Letona jwalo ka ha ho hlahella karolwaneng ya 1, a fane ka bodulo bathong ba fetang ba tsheletseng bakeng sa tlhapiso, o molato wa ho tlola molao.
Ha ho ka etsahala hore ho na le lebaka la ho dumela hore dipehelo tse hlahellang karolong ya 7 ha di a latelwa, Letona le ka laela hore mehato e itseng ka ho qolleha e nkuwe ho etsa hore ho boikamahanyo le dipehelo tseo bo be teng.
Monga sebaka o lokela, ka nako tsohle tse loketseng a tlalehele Letona maemo le ha e le afe a ka etsang ho se be kgonahalo ya hae ya boikamahanyo ka ho phethahala ho ya ka dipehelo tse hlahellang karolong ya 73.
c bonyane dikgwedi tse tsheletseng pele ho ho kwala kapa ho fetiswa ha sebaka, ka lengolo, o tla tsebisa batho ba hodileng ba amehang le Letona ka ho kwalwa kapa phetisetso e jwalo; le d ho fana ka thepa yohle a e rekileng ka ditjeho tsa Mmuso kapa tseo ho fanweng ka tsona ho Mmuso ka mohopolo o tobileng wa ho thusa batho ba hodileng.
Ha ho na le batho ba fetang 10 ba hodileng ba dulang sebakeng se itseng, komiti ya badudi e emetseng badudi e lokela ho thehwa.
b ho kgethwa le ho thonngwa, mangolo a thuto, nako ya kantoro, le mabaka a ho ntsha kantorong ya ditho tsa komiti eo le ho tlatswa ha dikgeo tsa komiti; le c lenane la, mokgwa wa tshebetso wa komiti eo.
Ha ho na motho ya tlang ho kgethollwa ka ho toba kapa ho se tobe kgahlano le motho ya etsang kopo ya ho amohelwa sebakeng ka lebaka kapa ho feta a hlahellang karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang dipehelo tsa karolo 1 o molato wa ho tlola molao mme ho sa natswe karolo 22, o tla fuwa kotlo kapa a kwallwe tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa a fuwe bobedi kotlo le ho kwallwa tjhankaneng.
Tlhokeho ya sebaka se kenyelletsang merabe yohle ya Afrika Borwa e tla lokelwa ho hlokomelwa ha ho shejwa kamoheleho sebakeng.
Kamohelo sebakeng e tla ba ka maemo tlhokeho ya boikemelo ho ya ka sesebediswa sa semolao sa tlhahlobo.
Ha e le hore motho ha a amohelwe sebakeng, motsamaisi wa sebaka seo o lokela, ka kopo ya motho eo, ho fana ka mabaka a ho hanela motho eo.
Dibaka tsohle di lokela ho ba le leano la ho amohela, moifo wa kamohelo le mokgwa wa boipiletso bakeng sa baikopedi ba sa atlehang.
a etela le ho beha leihlo sebaka kapa tulo le ha e le efe moo batho ba hodileng ba hlokomelwang kapa ho fuwa bodulo bakeng sa moputso, e leng ka tjhelete kapa thepa, kapa sebaka le ha e le sefe seo mosebeletsi wa setjhaba ka mabaka a utlwahalang a dumelang hore ke sebaka se jwalo kapa tulo.
b buisana le motho le ha e le ofe ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng se jwalo kapa tulo.
c ka thuso kapa e seng ka thuso ya mofani ka tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya seprofeshenale a botsa ka bophelo ba motho ya jwalo.
d laela motho ofe kapa ofe ya nang le buka kapa tokomane e mabapi le sebaka se jwalo kapa tulo, ho fana ka buka kapa tokomane e jwalo ho yena hore a e hlahlobe.
Mosebeletsi wa setjhaba ya sebedisang matla a hae ho latela karolo 1 , ka kopo ya motsamaisi wa sebaka se amehang kapa motho ya laolang sebaka se amehang, o lokela, jwalo ka ho hlokeha, a fane ka lengolo le ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso le hlalosang hore o na le mohlanka ya jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya thibelang kapa ho sitisa mosebeletsi wa setjhaba tshebedisong ya matla a hae ho latela karolo 1, kapa ya hanang ho mo fa sebaka ho latela kopo ya hae, ho buisana le motho ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng kapa tulong e boletsweng karolong ya 1, kapa ya hanang kapa ya hlolehang ho ikamahanya le taelo ho latela karolwana ya 1d, o molato wa ho tlola molao.
i mameo a ditshebeletso a behuweng; le ii mehato e behuweng ho thibela le ho laola tlhekefetso ya batho ba hodileng, nakong ya selemo seo sa ditjhelete; le c dipehelo tsa maemo a behuweng a ditumellano ka ditshebeletso, a phethetsweng selemong seo sa ditjhelete.
a fana ka tsebiso ho motsamaisi hore ha pehelo e jwalo e sa kene nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la tsebiso eo, tshehetso efe kapa efe e lefuweng bakeng sa sebaka seo ho latela karolo 5 e ka hulwa; mme b ha e le hore pehelo ha e so kenngwe matsatsing a 90 ka mora mohla wa tsebiso ho ya ka seratswana sa a, le ka hula tshehetso ka mora ho fana ka tsebiso ya ho etsa jwalo nakong ya kgwedi.
Motho ofe kapa ofe ya hlekefetsang motho ya hodileng o molato wa ho tlola molao, ho sa kgathalesehe karolo ya 22, ha a ka fumanwa a le molato a ka fuwa kotlo kapa ho kwallwa nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa bobedi kotlo eo le ho kwallwa ho jwalo.
Motjhotjhisi eo wa Setjhaba, ho latela dipehelo tsa karolwana ya , a ka kopa mongodi wa lekgotla leo ho ntsha disamani tse bitsang motho wa pele ho bolelwa ho hlaha, ka nako le sebaka se boletsweng moo, pela makgistrata sebakeng seo, le ho mo tsebisa ka ha diqoso tse kgahlano le yena.
Motjhotjhisi wa Setjhaba ha a ya lokela ho latela karolwana ya 1 a kope tlereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha disamani ntle le hore o fumane tlaleho ho tswa ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ka bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya hodileng kapa ya fokolang eo ho buuwang ka yena.
Ha ho etsahala ka lebaka la setatemente tlasa kano se hlahellang karolwaneng ya 1 Motjhotjhisi wa Setjhaba o na le lebaka la ho nahanela hore mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka o tla thibelwa kapa hanelwa ho ya kapa ho keneng sebakeng seo motho ya hodileng kapa ya fokolang eo ho buuwang ka yena a dulang kapa a hlokomelwang teng ho ya etsa diphuputso tse hlokehang hore a tle a a fane ka pehelo e hlahellang karolwaneng ya 2, kapa mohlanka ya jwalo o ile a thibelwa kapa a hanelwa ho etsa jwalo, makgistrata ya bolelwang ka kopo ya Motjhotjhisi wa Setjhaba a ntsha lengolo le fanang ka matla ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho ya kapa ho kena sebakeng seo bakeng sa diphuputso tse jwalo.
Makgistrata ka lengolo le ntshitsweng ke yena ho latela karolwana ya 3 o fa matla mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho tsamaya le mohlanka wa sepolesa ho ya diphutsong tse hlahellang karolwaneng e bolelwang.
Dipehelo tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe wa 1977 wa 51 wa 1977, mabapi le foromo le mokgwa wa tshebetso ya disamani dinyeweng tsa botlokotsebe makgotleng a manyane a dinyewe, nako e lokelang ho fuwa batho ba bitsitsweng ho tla hlahella ka pela lona, ho ka sebetswa ka yona ha ba hloleha ho hlahella kapa ho dula ba ntse ba le teng, jwalo ka ho hlokeha, o sebetsa ka diphetoho tse loketseng tse mabapi le disamani tse ntshitsweng ho ya ka karolwana ena.
Motho ofe kapa ofe ya thibelang kapa ya sitisang mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ho phetheng mesebetsi ya hae ho ya ka karolo ena kapa a hana ho fana ka tsebiso ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ha a e kopile e mabapi le bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang ho yena eo mohlanka ya jwalo bakeng sa morero wa diphuputso jwalo ka ha ho hlahella karolwaneng ya 3, o molato wa ho tlola molao.
Ho latela dipehelo tsa karolo ena makgistrata eo motho ofe kapa ofe a hlahellang ka pela hae ho latela karolo ya 16 o lokela ho batlisisa ka nepahalo kapa ho se nepahale ha menyenyetsi e hlahellang disamaning tseo ho buuwang ka tsona.
Motjhotjhisi wa Setjhaba kapa motho le ha e le ofe ya behuweng ke makgistrata bakeng sa ho hlahella dipatlisisong a ka bitsa dipaki le ho botsisia dipaki le ha e le dife tse fanang ka bopaki.
Motho eo menyenyetsi ena e entsweng ka yena, a ka fana ka bopaki le hore yena kapa moemedi wa hae wa semolao, a ka botsisisa dipaki le ha e le dife tse bitsitsweng ho ya ka karolwana ya 2, le ho bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla ho fana ka mabaka a hore hobaneng taelo e sa lokelang ho ntshuwa tlasa karolwana ya 10.
Ho ya ka ntho le ha e le efe e kgahlano le e hlahellang Molaong ona, molao o mabapi le botlokotsebe o tla sebetsa le ditokiso tse hlokehang ho latela diphetoho tse hlokehang ho ya ka supina, ho bitswa le ho botswa ha dipaki bakeng sa kapa dipatlisisong, ho nkuwa ha bopaki le tlhahiso ya ditokomane le tse ding tse teng moo, le ho lefuwa ha ditjhelete tse thusang dipaki.
Diketsahalo dipatlisisong di lokela ho etswa lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le sa bulelawang bohle.
Dipehelo tsa karolo 1591 tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe, 1977 Molao wa 51 wa 1977, ha di le mabapi le boitshwaro lekgotleng la dinyewe tsa botlokotsebe moo moqosuwa a leng siyo, o tla sebetsa ka diphetoho tse hlokehang ho ya ka dipatlisiso tse ileng tsa tshwarwa ho latela karolo ena.
Dipehelo tsa karolo ya 108 ya Molao wa Makgotla a Dinyewe a Bokgistrata, 1944 Molao wa 32 wa 1944, o tla sebetsa ka diphetoho tsa ona tse hlokehang ho latela diketsahalo tse mabapi le patlisiso tse tshwerweng ho ya ka karolo ena.
Pehelo e hlahellang karolong ya 162 e lokela ho kenngwa ho makgistrata ya tshwereng dipatlisiso ya ka laelang ngaka ya setereke, kapa ngaka ya mahloko a kelello kapa moeletsi wa tsa mahloko a kelello ho hlahloba motho ya hodileng kapa ya fokolang ya amehang le ho fana ka pehelo ka tseo a di fumaneng.
Dikateng tsa pehelo di ka kenngwa kapa tsa fanwa ho latela karolwana ya 8 di tla lokela ho tsebiswa motho eo menyenyetsi e leng kgahlano le yena, mme ha a batla, yena kapa moemedi wa hae wa molao o tla lokela ho fuwa monyetla wa ho botsisisa motho ya entseng pehelo, ho latela dintlha tse hlahellang pehelong, le ho hanana le menyenyetsi e hlahellang moo.
b thibela motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela motho ya hodileng kapa ya fokolang nakwana, empa e sa feteng dilemo tse leshome, ho ya ka moo makgistrata a ka laelang ka teng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa a sa ikamahanye le pehelo, tlhoko kapa thibelo e entsweng ho ya ka karolo ya 10 o molato wa tlolo ya molao, ho sa kgathalatsehe karolo ya 22, a ka lefiswa kapa a kwallwa dilemo tse sa feteng tse hlano, kapa a fuwa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
a o hlekefeditswe; kapa b o lemaditswe ke se amanang le tlhekefetso, o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso hanghang.
b a hlophise hore motho ya jwalo ya hodileng o fumana kalafo e hlokehang.
Ha ho na ngaka efe kapa efe ya meno, ngaka, mooki, mosebeletsi wa setjhaba kapa motho e mong a sa tlo tshepahala ka ho ntsha tsebiso e tla be e le ka botshepehi ho latela karolwana ya 1.
Ngaka ya meno efe kapa efe, ngaka, mosebeletsi wa setjhaba kapa motho e mong ya hlolehang ho ikamahanya le karlo ya 1 e molato wa tlolo ya molao, ho sa natswe karolo ya 22, a ka lefiswa kapa a kwallwa nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
b rejistara ya batho ba fumanweng ba le molato wa tlhekefetso ya batho ba hodileng.
Motho le ha e le ofe eo lebitso la hae le hlahellang direjistareng tse hlahellang karolwaneng ya 1 o a thibelwa ho bula hape kapa ho tsamaisa sebaka se fanang ka tlhokomelo le ditshebeletso bathong ba hodileng.
Mohlokomedi ofe kapa ofe, ngaka, mooki kapa motho ofe kapa ofe ya tlhokomelong ya batho ba hodileng boemong ba hae ba profeshenale eo ka tjhebo ya hae a qetang hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso o tla lokela ho tlaleha qeto e jwalo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ya hlokomelang hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso a ka tlaleha tumelo eo ho mosebeletsi wa setjhaba.
Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba eo pehelo e neng e etswa ho yena o lta lokela ho etsa tlhahlobo ya pele ho pehelo ka ho fuputsa taba ena.
Ebang pehelo e netefaditswe ke diphuputso, Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba o tla lokela ho nka mehato e loketseng ho netefatsa hore phano ka ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya motho ya hodileng o a di fumantshwa.
h ya boemong ba ho se kgathallehe mmeleng kapa kelellong kapa bodulong; kapa i ya kileng a hlekefetswa kapa ya ntseng a hlekefetswa.
b a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso ho etsa mosebetsi oo Letona ke Molao ona.
b fana ka matla a jwalo ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi ofe kapa ofe o nehuweng Molaodi Kakaretso tlasa Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso wa tsamaiso ya provense karolong ena ya tlang ho bitswa?
b a fana ka matla hore mohlanka ya jwalo a phethe mosebetsi ofe kapa ofe, oo yena a fuweng matla wa ho o phetha tlasa karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng matla kapa ya fuweng matla a ho phetha mosebetsi tlasa karolwana ena, o lokela ho sebedisa malta a jwalo kapa ho phetha mosebetsi oo a ikamahantse le dipehelo tseo motho ya mo fileng matla a boneng ho le molemo ho mo fa tsona.
c e ka hulwa neng kapa neng ka lengolo ke motho eo.
a tlolang thibelo, pehelo, tshwanelo kapa taelo eo a e fuwang ho latela Molao ona; kapa b ya hlolehang ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao ona, o molato wa ho tlola molao mme a ka lefiswa kapa a kwallwa dikgwedi tse sa feteng 12, kapa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
o poloko ya direjistara ho latela karolo ya 19; le p ka kakaretso, ntlha efe kapa efe eo letona le nahanang e le ya bohlokwa kapa e tatisehile ho etsa molawana hore ho fihlellwe dipheyo tsa Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa o tla lokela ho etswa kamora therisano le Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditshehetso ka mokgwa wa ho lokela ha ditshebeletso o lokela ho etswa ka tumellano le Letona la tsa Ditjhelete.
Molao wa Batho ba Hodileng, wa 1967 o hlakotswe moo e leng hore o mabapi le dipehelo tse sa kang tsa fuwa batho ba loketseng ka hara tshebetso ya toka ya mmuso wa provense ho latela Phatlalatso ya Nomoro ya R.7 ya 1996.
Molao o Lokisitsweng wa Batho ba Hodileng, wa 1998 o hlakotswe.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e bonahetseng e entswe tlasa pehelo ya Molao o hlakotsweng ke dikarolwana tsa 1 le 2 mme di ka etswa tlasa dipehelo tse behuweng qetellong, le ntlha efe kapa efe e qadilweng tlasa pehelo e jwalo e hlakotsweng, e lokela ho hlakolwa jwalo ka ha eka dipehelo tseo ha di a hlakolwa, ntle le ha Letona le ka fana ka dipehelo tse ding.
Molao ona o bitswa Molao wa Batho ba Hodileng, 2003 mme o qala ho sebetsa ka tsatsi leo Mopresidente a le hlalositseng ka phatlalatso Lesedinyaneng la Mmuso.
Matsatsi a fapaneng a tla lokela ho behwa ho latela dipehelo tse fapaneng tsa Molao ona.
Ho hola e lokela ho ba nako eo phehiso ya motho setjhabeng e ananelwang le ho tlotlwa. Dibakeng tse futsanehileng batho ba hodileng ba ba le phehiso e tlotlehang malepeng e le bahlokomedi ba bana, batho ba sa itekanelang le ba angwang le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e leka ho boloka le ho eketsa bokgoni ba batho ba hodileng ho itshehetsa le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba bao ba ba potapotileng.
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa batho ba hodileng; le d ho thibela tlhekefetso ya batho ba hodileng.
Diboka tsa ditherisano tse mabapi le dipehelo tsa Bili ena di ile tsa tshwarwa ke Komiti ya Lefapha e shebaneng le Ntshetsopele ya Setjhaba, Komiti e Ikgethang ya Ditshebeletso tsa Setjhaba ka hara Lekgotla la Naha la Diprovense, mekgatlo ya naha le dikhansele le mafapha a diprovense a ntshetsopele ya setjhaba. Bongata ba mafapha a naha, a jwalo ka Lefapha la Dipalangwang, Tshireletso le Polokeho, Bophelo bo Botle, Ditaba tsa Kahare ho Naha le Ditaba tsa Metsi a ile a nka karolo dibokeng le ho fana ka phehiso e babatsehang, e ileng ya lebisa ho ralweng ha Bili ena.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola maemo a ditjhelete a ka hlahang ka baka la Bili ya Batho ba Hodileng e rerilweng, le dipehelo tse loketseng tsa ditekanyetso tse tlang ho kenngwa ka hara Lenaneo la Ditjeho tsa Nako e Bohareng.
ditjeho tsa tsamaiso le ho bakang ditjeho (mehato e eketsehileng, basebetsi, mekgwa ya tshebetso ya botsamaisi, tsebiso le pehelo jj) le mokgwa wa ho hlophisa wa mokgatlo (Dikomiti tse ntjha, Diyuniti, Mekgatlo jj) boemedi/phano ka matla a ho etsa mosebetsi ho mmuso wa provense/lehae.
Pehelo ka sena e a fumaneha.
Ho hlwaya ditjeho tsa poraefete tse tobileng tsa Bili k.h.r.
Ho utlwisisa le ho hlahlobisisa kgahlamelo e felletseng ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Bili.
Ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya dibaka tsa batho ba hodileng.
Ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya batho ba sa lokelang ho fana ka tlhokomelo bathong ba hodileng.
Tefo ya ditshehetso mekgatlong e nang le seabo ho faneng ka sebaka le ditshebeletso bathong ba hodileng.
Boikarabelo bo amanang le ho etswa ha dipatlisiso.
Ho arabela diqeto tse entsweng mabapi le batho ba hodileng ba hlokang tlhokomkelo.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sejetswa ke Palamente ho latela mekgwa ya tshebetso e behuweng ke karolo ya 76 ya Molao wa Motheo.
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI E KENYELEDITSE E.txt</fn>
Biku ya Dikgetho, ya 1998 e fanang ka moralo wa molao bakeng sa dikgetho tsa 1998 e fetisitswe ke Palamente. E ile ya tshehetswa ke ANC, Inkatha Freedom Party, PAC, ACDP le Freedom Front. Nakong yohle ya puisano ka Bili, mekgatlo ena e hatelletse bohlokwa ba dikgetho tse molaong le sephetho se sa phehiseheng. Le ha ho le jwalo, mekgatlo yohle e hatelletse tlhokeho ya ho netefasa hore bakgethi bohle ba nang le tokelo ya ho vouta ba na le Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu.
Bili e mabapi le dinltha tsa bohlokwahadi tse kang hore dikgetho di ka tshwarwa neng, ke bomang ba nang le tokelo ya ho vouta, ke bomang ba ka kenelang dikgetho le ditlhoko ha mmoho le tse hlokehang le divoutu tse ikgethang bakeng sa batho ba bang ba itseng.
Tse ding tsa dipehelo tsa Bili di behilwe ka tlase.
Mopresidente o tla tsebisa ka letsatsi la dikgetho pele ho pheletso ya nako ya hae mmusong.
Baahi ba Afrika Borwa bohle ba dilemo di 18 le ho feta ba leng ka hara naha ba tla dumellwa ho vouta. Sena ha se kenyelletse batho ba sa phelang kelellong, ba sa itekanelang hantle kelellong kapa ba tshwerweng tlasa Molao wa Bophelo bo Botle ba Kelello. Batho ba kwalletsweng ka baka la ditlolo tse mpe tsa molao le bona ha ba na ho dumellwa ho vouta.
Ho na le merero e lokiseditsweng divoutu tse ikgethang. Divoutu tsena tse ikgethang di lokiseditswe batho ba, ka mabaka a seng a boletswe, sa kgoneng ho vouta. Basebetsi ba bodiplomatiki le ba malapa a bona ba leng mose b atla dumellwa ho vouta nakong ya dikgetho. Sehlopha se seng sa dikgetho tse ikgethang ke basebetsi ba dikgetho ba kenyelletsang mabotho a tshireletso a mmuso, hara ba bang le mapolesa le mabotho a sesole. Merero e ikgethang bakeng sa ho vouta e boetse e sebetsa ho ba sa itekanelang, ba holofetseng mmeleng, maqheku le baimana ba sa tlo kgona ho leba dibakeng tsa ho vouta ka lebaka la ho se phele hantle mmeleng.
Bili e fana ka dipehelo bakeng sa ho ngodiswa ha bakgethi ha mmoho le ho etswa ha lenane la bakgathi. Ngodiso ya ba loketseng ho kgetha e tla nne e tswelepele. Hang ha motho a ngodisitswe jwalo ka mokgethi, dintlha sa hae di tla netefatswa ka rejistara ya setjhaba e bohareng e bolokilweng Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
Ka mora ho katleho ya ho netefatswa ha dintlha, lebitso la hae le tla kenyelletswa lenaneng la bakgethi. Batho bohle bao mabitso a bona a leng lenaneng la bakgethi ba tla kgona ho kgetha ka letsatsi la dikgetho le tlang ho tsebiswa ke Mopresidente.
Hore ba kgone ho kgetha, batho ba lokela ho ba le Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu. Ena ke yona feela tokomane e amohelehileng jwalo ka ha ho hlahella Biling ya Dikgetho, ya 1998.
Batho ba se nang Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu, ba tla lokela ho etsa kopo ya Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu le ho etsa kopo ya lengolo la nakwana la boitsebiso ka yona nako eo.
Lengolo la nakwana la boitsebiso le sebetsa dikgwedi tse 12 feela mme le ka sebedisetswa ho ingodisetsa dikgetho, ha Lefapha la Ditaba tsa Lehae le ntse le sebetsana le Bukana ya Boitsebiso.
Lengolo lena la nakwana la boitsebiso le na le dintlha tsa moikopedi: nomoro ya Bukana ya Boitsebiso ha mmoho le sethswantsho sa moikopedi.
Lengolo la nakwana la boitsebiso le tla ntshuwa nakong ya dihora tse 24, ntle le moo ho se nang dikhompuyutara. Maemong ana, le tla ntshuwa mohlang diyuniti tse nang le mabidi di kgutlelang dibakeng tseo kopo e ne e entswe ho tsona.
Diprovenseng tse ding Diforamo tsa Ditaba tsa Ka hare ho Naha di ile tsa tsebiswa ho thusa Lefapha ka mosebetsi ona. Diforamo tsena di lokela ho fuwa thuso.
Ho entswe tsebiso ka dihlopha tsa dikgetho/baithaopi/tshebetso ho thusa ka letsholo la boitsebiso. Ditho tsa Palamente di kotjwa ho netefasa hore mosebetsi wa boithaopo o fuwa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Maemong ana baithaopi ba lokela ho ingodisa Lefapheng la Ditaba tsa Lehae ho Naha le ho hore le ikane bakeng sa bona. Ba tla rupellwa ke Lefapha la Ditaba tsa Lehae mme ba tla fana ka ditshebeletso tsa bona ka mokgwa o se nang leeme, o se nang tshekamelo ya sepolotiki le ntle le moputso. Ba tla kotjwa ho thusa ka ho tlatswa ha diforomo, kgatiso tsa menwana ya baikopedi le ho netefatsa hore ditlhoko tsohle di kgotsofaditswe, mohl. phano ka mangolo a tlhaho jwalo jwalo.
Ditho tsa Palamente di kotjwa ho ikopanya le moemedi wa lefapha sebakeng sa bona mme di tle ka leano la tshebetso le ka kgonehang la hore di ka thusa jwang, le ho fana ka dipuo tsa boithaopo diyalemoyeng dibakeng tsa tsona moo di ka fanang ka tsebiso mabapi le letsholo la Bukana ya Dikgetho.
Tlhahiso ya Bukana ya Boitsebiso e nka dibeke tse 8.
Moo e leng hore lengolo la tlhaho ha le fumanehe, ka kopo ikopanye le mohlanka wa setereke ho ka tseba ka hore ke mokgwa ofe o mong wa ho netefatsa dintlha o ka sebediswang. Le ha ho le jwalo, Lefapha le na le melao e thata ya ho netefatsa ho hlahiswa ha tokomane ya nnete ya ho netefatsa dintlha hore ho thibelwe boqhekanyetsi.
Ha e le hore kopo e entswe bakeng sa Bukana ya Boitsebiso le lengolo la nakwana la boitsebiso, ho lokela ho lokelwa ho fanwa ka ditshwantsho tse tharo.
Letona la Lefapha la Ditaba tsa Lehae le tla hlahisa foromo ya ngodiso bakeng sa nakwana bakeng sa ho ngodisetswa ho kgetha mme ha e so be teng.
Lefapha la Ditaba tsa Lehae ha le na dikhamera tsa ho nka ditshwantsho mahala diyuniting tse nang le mabidi.
Dipotso tse ding di ka lebiswa ho: Botsamaisi ba Dikgokahano bakeng sa Hlooho ya Dikgokahano ho: 314 8014/5 kapa fekesetsa dipotso tsa hao ho: 316 7032.
Ditletlebo ka ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae di ka lebiswa ka mohala wa mahala ho: 0800 601 190.
tokomane le ha e le efe e ka pakang ho tswallwa Afrika Borwa kapa boahi ka letsatsi la ho kgetha ke Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu feela e amohelehileng. Le ha ho le jwalo, bakeng sa batho ba lahlehelwang ke dibukana tsa bona pele ho dikgetho, ba ka fuwa lengolo la nakwana la boitsebiso nakong ya dihlora tse 24.
Ntle le phatlalatso ya letsholo la Bukana ya Boitsebiso, ho se ho entsewe ditlhophiso diproventsheng kaofela ho netefatsa hore bakgethi ba loketseng ba etsa dikopo tsa tokomane ya boitsebiso e nang le khoutu.
Dinako tsa dihora tsa mosebetsi di ekeditswe, ho itshetlehilwe ka ditlhoko tsa provense ka nngwe. Lefapha le tla bula dikantoro ho tloha ka 07H00 18H00 hara beke le ho tloha ka 08H00 12H00 ka Meqebelo. Qeto e tla ba mahetleng a dikopo tsa setjhaba?
Basebetsi ba tlatsetso ba hiretswe ho ka kgona ho sebetsana le keketseho ya dikopo tsa ditokomane tsa boitsebiso.
Moo ho se nang dikantoro tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae, diyuniti tse tsamayang ka mabidi tsa tlatsetso di tla kenngwa.
Bakeng sa tsebiso ya tlatsetso, dikopo tsa ditshebeletso kapa boithaopo bakeng sa ditshebeletso, balaodi ba mabatowa ba lefapha ho ka ikopanngwa le bona.
Batho ba bangata ba entse dikopo tsa ho fumantshwa Dibukana tsa Boitsebiso empa ha di eso latwe Lefapheng la Ditaba tsa Kahara Naha. Dibukana tsena tsa Boitsebiso di lokela ho latwa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ditho tsa Palamente di kotjwa ho thusa thomelong ya dibukana tsena.
Batho ba esong ho etse dikopo tsa Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu ba lokela ho etsa dikopo hanghang.
Motho ya dilemo di tlase ho tse 16 o lokela ho felehetswa ke setho dilemo di ka bang 10 ka hodimo ho yena ya tlang ho lokela ho etsa kopo sebakeng sa kopo ya lengolo la tlhaho ka mora nako. Ho eketsa ho ditokomane le ha e le dife tsa bopaki, motho eo o tla lokela ho tlatsa afidaviti (foromo ya B1 288) e tiisetsang dinltha tsa tswalo.
Batho ba dilemo di kahodimo ho 21 ba ka iketsetsa kopo ka bobona bakeng sa ngodiso ya tswalo ya ka mora nako.
Maemong ao ho se nang ditokomane tsa bopaki kopo e tla phenyokollwa ke mohlanka wa Lefapha ho netefatsa boahi ba hae le letsatsi la tswalo hoo ho se nang ho ba le pelaelo.
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI YA BOLAODI BA PO.txt</fn>
Nomoro ya dikhopi tse hatitisweng..
Ho theha monyetla wa tlhomamiso ya Taolo ya Polokeho ya Ralewa hore ho tle ho laolwe tshebetso e bolokehileng ya ralewa, molemong wa maikemisetso a yona le mesebetsi ya yona, ka mokgwa oo e tla tsamaiswa ka teng le bakeng sa ditaba tsa moifo wa yona wa tshebetso; hore ho be le monyetla o teng wa maemo a polokeho le ditlwaelo tsa taolo ya tshireletso ya batho, theepa le tikoloho; le ho etsa monyetla bakeng sa ditaba kaofela tse tsamaelanang le moo.
KANANELO ya hore ditaba tsa polokeho le tshireletso di tsamaelana mmoho mme bolaodi bo na le seabo sa bohlokwa tshebetsong e bolokehileng ya ralewa le seabo sa tshehetso ya tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ekasitana le tshireletso.
diphahlo tse kotsi ho bolelwa diphahlo, ho itseng le dintho tse hlahang lenaneng le qaqiso la Biro ya Afrika Borwa ya Maemo SABS 0228 Tsebahatso le tlhophollo ya diphahlo tse kotsi?
nyehelo tsa batho di bolela nyehelo tse kenyeletsang bokgoni bo hopolelwang, ba sebele bo bonwang le ba kelello ya batho le kamano ya batho le mesebetsi ya bona le tikoloho ya bona ya mosebetsi; tshusumetso eo theepa le tsela ya moralo di nang le yona tshebetsong ya motho; makgetha a tlhophiso a nang le tshusumetsoboitshwarong bo amanang le polokeho mosebetsing?
marangrang a tshebetso?
opareitara ya marangrang a tshebetso?
x batho ba nang le kgolofalo tse itseng?
mokgatlo wa indastri ya ralewa?
xiv ketsahalo ya ralewa?
xv tshebetso ya ralewa?
xvii makoloi a ralewa?
xviii tshebetso e bolokehileng ya ralewa?
xxi mokgwa wa taolo ya polokeho?
xxii pehelo ya mokgwa wa taolo ya polokeho?
xxiii tumello ya polokeho?
xxv opareitara ya seteisheneng?
xxvi opareitara ya terene ho bolelwa motho ya taolong ya marangrang a motsamao le tsamaiso ya koloi e tsamayang seporong?
Molaong ona, moo lentswe kapa polelo e fuwang moelelo o itseng, dikarolo tse ding tsa puo le dibopeho tsa puo tsa lentswe kapa polelo eo, ntle le moo ho hlahelang ditemana tse ding tse tshwanetseng tse sa dumellaneng le hoo, di na le meelelo e tsamaelanang.
Ha ho hlaloswa temana ya Molao, tlhaloso e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tsamaelanang le sepheo sa Molao ona jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 2, e lokela hore e be yona e nkellwang hloohong ho feta tlhaloso efe kapa efe e nngwe e sa tsamaelaneng le sepheo seo.
Taelo efe kapa efe kapa tsebiso eo ho fanweng ka yona ho latela Molao ona e lokela hore e be e ngotsweng fatshe, ntle le ha ho qaqisitswe ka mokgwa o mong Molaong ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng tlasa Molao ona o lokela ho hlahela ka hodimo ho boemo bofe kapa bofe bo amohetsweng ke lekgotla tlasa karolo ya 292.
Ka sepheo sa Molao ona, ha ho tadingwa hore tshebetso ya ralewa ke tshebetso e bolokehileng kapa hore molao kapa ntho e tlisang tshoso ya polokeho tshebetsong ya ralewa, kapa e matlafatsang polokeho ya tshebetso ya ralewa, ho tshwanetse hore ho se ke ha shejwa feela polokeho ya batho kapa ya theepa e palamiswang ke relewa empa ho tsepamiswe maikutlo polokehong ya batho ba nang le dikgaello le batho ba bang ha mmoho le theepa e nngwe.
Molemong wa Molao ona, tshoso e etswang bakeng sa polokeho ke kotsi kapa boemo bo ka lebellwang ka tsela e utlwahalang hore bo ka tswela pele ho fihlela boemo boo ho bona ho ka bang le motho ya kulang kapa ha hlaha kotsi kapa ha shwa motho kapa boemo bo ho bona ho bakwang tshenyo tikolohong kapa theepeng, mme tshoso ya polokeho e potlaka ho ba teng ha boemo bo jwalo bo se bo le teng.
Sepheo sa Molao ona ke ho?
f le ho ntshetsa pele ntlha ya ho finyella sepheo se jwalo ka ho theha mokgatlo wa molao o o tshwanetseng.
a tshebetso ya ralewa e nngwe le e nngwe ka hare, kapa karolwana e itseng ka hare ho Riphaboliki e nang le seporo se methwang hore se lekane kapa e be se fetang 600 mm;kapa b mokgwa ofe kapa ofe o radilweng hore o tsamaise bapalami kapa dithoto kapa tsona di le pedi mme ebile o hlalositswe ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso hore ke ralewa kapa ke tshebetso ya ralewa kapa ke tsona di le pedi ho latelang sepheo sa Molao ona.
Mmuso hore e se kgeme le pehelo efe kapa efe ya Molao ona ha feela e tsepamisitswe ke Letona.
Ho tla ba le motho wa molao ya tla tsejwa ka hore ke Molaodi wa Polokeho ya Ralewa, e tla botjwa ka hore ho be le lekgotla, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le moifo wa basebetsi.
d ho hlokomela le ho netefatsa hore ho be le tsamaisano le Bili ena; le e ho etsa hore Molao ona o sebetse.
d ho fokotsa phetapheto ya mesebetsi e jwwalo le mehato e lokelang ho latelwa mabapi le phethiso ya mesebetsi e jwalo; le e ho kgothaletsa hore ho be le tshwano ha ho phethiswa mesebetsi e jwalo.
Bolaodi bo lokela ho tlabola selekane sa tumellano le lekala le leng le le leng le tshwanetseng la mmuso ho etsa hore tshebedisano e neng e lohothwa temanyaneng ya 1 e kgone ho sebetsa.
Letona ka morao hoba le tshware ditherisano le lekgotla ekasitana le matona a ikarabellang makaleng a loketseng a mmuso, le ka nna la etsa melawana e mabapi le?
bdintlha tse lokelang ho etsetswa monyetla ditumellanong tsa tshebedisano, ho kenyeleditswe dipehelano sebakeng sa?
le tharollo ya diqabang mabapi le tlhaloso kapa tshebediso ya ditumellano tsa tsebedisano tseo ho buuwang ka tsona temanyaneg ya 2.
Letona le lokela ho phatlalatsa ka ho etsa tsebiso Koranteng ya Mmuso ditumellano kaofela tsa tshebedisano tsa selekane se entsweng ho latela temanyaneng ya 2.
o bo ka etsa diphuputso diketsahalong tsa ralewa ho latela Kgaolo ya 7.
p bo ka bokella le ho qhalanya lesedi le mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le q ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa.
Mesebetsi ya Bolaodi e lokela ho etswwa ke Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso, ka taelo ya lekgotla, ntle le moo ho qaqisitsweng ka mokgwa o mong ke Molao.
Bolaodi bo buswa le ho laolwa ke lekgotla le balaodi.
a ho tiisa hore Bolaodi bo tsitlallela ho finyella boikemisetso boo ho buuwang ka bona karolong ya 5; le b ho ba le taolo e akaretsang phethahatsong ya mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le emetse Bolaodi mme mesebetsi yohle e phethiswang ke lekgotla, kapa e matleng a lona, ke mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla la Balaodi le tla kgethwa ke Letona.
b bosiyong ba nakwana ba mookamedi, letona le ka nna la kgetha motho e mong ya nang le mangolo a tshwanetseng ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, hore a tshware mosebetsi oo mokobobo.
Motho ha a na ho ka kgethwa kapa hona ho dula e le setho sa lekgotla ha?
c a ile a ahlolwa hobane a tlotse molao mme a ahlolelwa ho hlahlelwa tjhankaneng ntle le ho fuwa monyetla wa kotlo ya tefo; kapa d a fetoha le setho i sa Palamente, setho sa lekgotla le etsang melao la provense, setho sa lekgotla la Mmasepala, setho sa ii ii setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense.
v Lekgotla la Phethahatso la provense.
Setho sa lekgotla ho ka etsahala a seke sa ba teng, kapa hore se hloke hoba le seabo dipuisanong kapa ha ho etswa qeto tabeng efe kapa efe e tekilweng ka pele ho lekgotla moo molaodi eo kapa mohatsae, molekane wa hae wa bophelo kaofela, ngwana, mosebetsi mmoho le yena kgwebong kapa ya sebedisang le yena kapa ramosebetsi, ntle le Mmuso, ha a na le thahasello ka tsela e otlolohileng kapa e sa otlolohang ho sena.
aHa mookamedi ofe kapa ofe ho etsahala hore a be le thahasello kapa a lohotha ho ba le thahasello, eleng thahasello e neng e lohothwa karolwaneng ya 9, o tla tshwanela hore ka potlako a ngole mme a phatlalatse ntlha eo ho Letona le lekgotla.
b Ha mokgatlo kapa kgwebo eo mookamedi a nang le thahasello e lohothwang karolong ya 9 o kopuwa hore a nehelane ka ditshebeletso, mookamedi o lokela hore ka potlako a ngole a phatlalatse tabatabelo ena ya hae ho Letona le lekgotla.
a Modulasetulo wa lekgotla o dula setulo sena nakong e hlalositsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi empa eseng nako e fetang dilemo tse tharo.
Setho sa lekgotla se tla tshwara ofisi nakong e qaqisitsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi, eleng nako e kekeng ya feta dilemo tse tharo.
a Ha mookamedi a timela kapa a tswwa ofising, Letona le ka nna la kgetha motho e mong hore e be mookamedi, ho l atela karolwana ya 7.
b Motho ya kgethilweng jwalo o tla sebetsa karolo e ntseng e setse ya eo ya tlileng pele ho yena ya ofisi.
Letona le tlameha hore ka morao le ditherisano le lekgotla, le kgethe motho ya nang le mangolo a loketseng hore e be mohlanka ya ka sehloohong wa Bolaodi.
Motho o tla hloleha ho ka kgethwa kapa ho dula e le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ha e ba a fumaneha a sa lokela ho ka kgethwa ho latela karolo ya 8 8.
a Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o tla tshwara ofisi nakong e qaqisitsweng lengolong la mosebetsi mme nako eo e keke ya feta dilemo tse hlano.
b Mohlanka ya jwalo ya ka sehloohong wa phethahatso a ka boela a kgethwa hape ha nako ya hae e fela ya ofisi.
c Dipehelo le mabaka a tshebetso tsa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso di tsepamiswa ke lekgotla le ho ananelwa ke Letona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Letona nakong efe kapa efe le ka ntsha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso mosebetsing?
b ha ka lebaka la kgolofalo ya mmele kapa bohloko ba kelello, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a se a hloka bokgoni ba ho phethisa mesebetsi ya ofisi kapa a sa sebetse ka tsela e nepahetseng; kapa c ka lebaka la boitshwaro bo sa amoheleheng.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela?
e selemo se seng le se seng sa ditjhelete, o lokela hore ka morao ho ditherisano le lekgotla le ka kananelo ya Letona, a phatlalatse le ho qhalanya moralo wa mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le lokela ho fetisa tlaleho e boletsweng temanyaneng ya 5 d, jwalo ka ha le e ananetse, ho Letona nakong ya dikgwedi tse tharo tsa mafelo a selemo sa ditjhelete se amehang.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ke yena mohlanka ya jarang boikarabelo ba lekgotla ka boikarabelo ba ho arabella ditaba tsa ditjhelete tse amohetsweng le ditefo tse entsweng, ha mmoho le matlotlo ao Bolaodi bo nang le ona.
a Molao ona, b Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba Molao wa Nomoro ya 1 wa selemo sa 1999, kapa c Lekgotla.
Ha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso tlasa lebaka lefe kapa lefe a hlolehile ho phethisa e meng ya mesebetsi ya hae, modulasetulo wa lekgotla o tla lokela hore a kgethe mosebeletsi wa Bolaodi hore a tshware mosebetsi ona mokobobo wa ho ba mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho fihlela mohlanka ya ka sehloohong wwa phethahatso a kgona ho ka boela a tswela pele ka mesebetsi eo.
Mohlanka ya tshwereng mokobobo mosebetsi wa mohlanka wa phethahatso ya ka sehloohong o na le matla ohle mme o loketse ho phethisa mesebetsi ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela ditaelo tse ngotsweng tsa lekgotla, a ka kgetha moifo o jwalo wa tshebetso bakeng sa Bolaodi jwalo ka ha ho hlokeha hore o etse mosebetsi o ipetsang kapa o mabapi le mesebetsi ya Bolaodi.
Dipallo le maemo a mosebetsi wa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le basebetsi ba bang ba Bolaodi, ho kenyeleditswe meputso ya bona, menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso, ke dintho tse tsepamiswang ke lekgotla mme moputso le menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso di lokela ho tsepamiswa ho latela mokgwa o amohetsweng ke Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
b ho tlisetsa basebetsi molemo kapa le ba morero jwalo kapa letlolo le laolwang kapa le tsamaiswang ke mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho e mong le e mong.
1Ho latela karolwana ya 2, 3 le ya 5, lekgotla ka qeto e entsweng, le ka nehelana ka matla, le ho aba mosebetsi ofe kapa ofe, o leng matleng a lona kapa oo le o fuweng ho latela Molao ona ho?
g motho ofe kapa ofe ya kgethilweng.
lekgotla ha le a nkelwa matla a ho ka nehelana ka mosebetsi kapa hona ho se fuwe matla ao le nehelanang ka ona.
b ke ntho e lokelang hore e bolellwe motho ya fuweng mosebetsi o jwalo ka lengolo.
Puisano ena ya lengolo ho latela karolwana ya 3 e lokela ho kenyeletsa dintlha tse feletseng tsa dintlha tsa ditaba tsa mosebetsi o ajwang kapa oo ho fanwang ka ona mme o lokela ho qaqisa dipehelano, ha e ba di le teng, tseo ho buuwang ka tsona karololwaneng ya 3a.
b hula qeto efe kapa efe, ntle le qeto e fanang ka tokelo kapa matla hodima lehlakore lefe kapa lefe la boraro, e entsweng ke motho ya abetsweng kapa ya fuweng mosebetsi mabapi le ntlha e abuwang kapa eo ho fanwang ka yona, mme la iketsetsa qeto tabeng ena ka bolona.
b haeba, ka lebaka la kgaelo kapa ho kula kelellong kapa kgolofalo, setho se hloka bokgoni ba ho etsa mesebetsi ya sona kapa se sebetsa ka mokgwa o sa nepahalang; kapa c ka lebaka la boitshwaro bo sa amoheleheng.
c ha a ka ba siyo dipitsong tse tharo tse hlahlamanang tsa lekgotla ntle le tumello ya modulasetulo, ntle le ha lekgotla le amohetse bosiyo ka lebaka la mabaka a matle ao ho fanweng ka ona; kapa d ha boitokollo ba motho eo eleng molaodi bo kena tshebetsong.
1Kopano ya pele ya lekgotla e tla tshwarwa ka nako le sebakeng se tla behwa ke Letona, mme ka morao ho moo dikopano di tla tshwarwa ka dinako le dibakeng tseo lekgotla le tla di beha.
Bosiyong ba modulasetulo, motlatsi wa modulasetulo, nakong efe kapa efe a ka bitsa kopano e ikgethang ya lekgotla e tla tshwara ka nako le sebakeng se tla behwa ke modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo.
Balaodi kaofela ba lokela ho tsebiswa ka dikopano kaofela tsa lekgotla ka mokgwa wa ho ngola.
Palo e ngata ya balaodi e bopa palo e lekaneng le e behilweng bakeng sa ho ka tshwara kopano efe kapa efe ya lekgotla.
Ho latela karolwana ya 4, qeto ya palo e ngata ya balaodi ba teng kopanong ya lekgotla e bopa qeto ya lekgotla mme, moo ho nang le palo e ngata ya divoutu tabeng efe kapa efe e lokelang ho etsetswa qeto, modulasetulo ya tsamaisang kopano eo o na le voutu e dihang nyewe ha mmoho le voutu ya hae ya dipuisano.
a ho na le sekgeo lekgotleng; kapa b ntlha ya hore motho ofe kapa ofe ya se nang matla a ho etsa jwalo, o ile a dula kopanong jwalo ka molaodi nakong eo qeto ena e neng e etsuwa, ntle le ha e ba qeto eo e nkilweng kapa ketso eo e ile ya matlafatswa ke palo ya bongata ba hlokehang ba balaodi ba neng ba le teng kopanong ba neng ba na le tokelo ya ho ba moo jwalo ka balaodi.
Ha modulasetulo ka lebaka lefe kapa lefe a sitwa ho ka etsa mosebetsi wa hoba modulasetulo, kapa ofisi ya modulasetulo e na le sekgeo, motlatsi wa modulasetulo o tlameha ho sebetsa jwalo ka modulasetulo.
Ha e ba modulasetulo ha mmoho le motlatsi wa modulasetulo ka mabaka a itseng ba hloleha ho ba teng ho ka etsa mosebetsi wa bodulasetulo, kapa diofisi tsena bobedi eleng ya modulasetulo le ya motlatsi wa modulasetulo di na le dikgeo, lekgotla le tla lokela ho tshwaya molaodi e mong le e mong hore a sebetse jwalo ka modulasetulo.
Letona le tla ba le tokelo ya ho ba teng kopanong efe kapa efe ya lekgotla, ha feela letona le tla ba teng jwalo ka motho ya boemong ba molemohi wa ditaba feela.
Lekgotla le lokela hore le etse hore metsotso ya dikopano tsa lona e bolokwe mme dikhopi tsa metsotso di fumanwe ke ditho tsa lekgotla ha mmoho le letona nakong ya kgwedi hoba metsotso e ananelwe.
Metsotso e jwalo, a ha e saennwe kopano e latelang ke motho eo eleng modulasetulo kopanong eo, bosiyong ba bopaki bo ka netefatsang phoso e teng, e tla nkuwa e le rekoto e ya nnete le e nepahetseng ya ka moo ditaba di tsamaileng ka teng le bopaki bo bonwang ba ditaba bo ka behwang ka pele ho lekgotla la molao, lekgotleng lefe kapa lefe kapa khomesheneng ya diphuputso.
Lekgotla le na le hona ho ka?
a hlomamisa dikomiti ho ya ka moo le ka bonang ho hlokeha ka teng hore di thuse phethisong ya mesebetsi ya lekgotla; mme a le ka kgetha batho ba kang bana, e bile ho kenyeleditswe le balaodi ba lekgotla, ditho tsa moifo wa Bolaodi, mokgatlo wa indastri ena kapa setho sefe kapa sefe sa mokgatlo, mokgatlo wa basebetsi, batho ba nang le ditumello tsa polokeho le basebetsi ba tshwareng ditumello tseo tse jwalo, ho latela ka moo lekgotla le bonang ho tshwanetse ka teng.
Mookamedi kapa setho sa komiti sa lekgotla, ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso kapa motho ya mosebetsing o phethahetseng wa Bolaodi kapa lekala le leng la mmuso, o kgethwa ho latela maemo, ho kenyeleditswe maemo a amanang le tefo ya moputso le menyetla ya moputso, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Ditjhelete tsa Bolaodi di bopilwe ka?
c dimpho kapa dinyehelo tse amohetsweng ke Bolaodi e le ha di tswa mohloding ofe kapa ofe, ka kananelo ya Letona.
Bolaodi bo lokela ho sebedisa ditjhelete tsa bona ho lefella ditshenyehelo tsa bona nakong eo boneng bo etsa mesebetsi ya bona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela ho?
a bula akhaonte lebitsong la Bolaodi mokgatlong o ngodisitsweng jwalo ka banka ho latela Molao wa Dibanka wa selemo sa 1990 Molao wa Nomoro ya 94 wa selemo sa 1990; mme b bo thesemetse tjhelete yohle e amohetsweng ho latela karolwana ya 1.
b kapa le mokgatlo o mong ho latela ka moo lekgotla le Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete, ba ka behang ditaba ka teng.
Bolaodi bo ka sebedisa tjhelete ya tswala e tswang polokelong e lohothwang karolwaneng ya 4 ho lefa ditshenyehelo tse mabapi le phethiso ya mesebetsi ya bona ho latela Molao ona.
Bolaodi selemong se seng le se seng sa ditjhelete, nakong e tla behwa ke Letona, bo lokela ho nehelana ka tlhaloso ya tjhelete e akanyeditsweng hore e tla kena le ya ditshenyehelo bakeng sa selemo se latelang sa ditjhelete ho Letona bakeng sa kananelo ya lona, eo ho nehelanwang ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Selemo sa ditjhelete sa Bolaodi se simolla mohla la 1 selemong se seng le se seng ho fihlela mohla la 31kgweding ya Tlhakubele selemong se latelang, mme selemo sa pele sa ditjhelete se simolla letsatsing le boletsweng ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele selemong se latelang.
Ha Letona le hana kgothaletso ya lekgotla e lohothwang temaneng ya 54 , Letona le lekgotla ba lokela ho ikitlaheletsa ho rarolla ho se dumellane hona ho teng ho bona.
Ha letona le lekgotla ba hloleha ho rarolla qaka ena ya ho se kgone ho fihlela tumellano, Letona le etsa qeto ya qetelo.
Bolaodi bo lokela ho hlahisa le ho nehelana ka pehelo ya setjhaba ya selemo ho Letona mabapi le polokeho ya basebetsi, setjhaba le tikoloho e amanang le tshebetso ya ralewa kaofela eo Bolaodi bo lebeletsweng hore bo e laole tlasa Molao ona ho kenyeleditswe le dintlha tse ding tse ka laeletswang.
Letona le lokela ho teka ka pele ho Palamente pehelo ya setjhaba ya selemo eo a e amohetseng ho latela karolwaneng ya 1 nakong ya matsatsi a 14?
b ka morao ho qaleho ya Palamente, ha Palamente e sa tshwara kopano.
Ntle le dipallo tsa molawana ofe kapa ofe, Bolaodi bo keke ba behwa tlasa taolo ya molao kapa ba futsanehiswa ntle le ha sena se tjhaeletswe monwana ke Molao wa Palamente o amohetsweng ka ho qoholleha bakeng sa sepheo seo.
Ho latela dipallo tsa temanyana ya , ha ho motho ya tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa tshebetso ya ralewa kapa karolo ya tshebetso ya ralewa.
c opereitara ya seteishene; le d motho ofe kapa ofe ya tshwailweng a hloka tumello ya polokeho ke Letona ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso.
Kopo ya tumello ya polkeho e lokela ho etswwa ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Bolaodi bo ka nna ba kopa hore o lefe tjheletana e itseng bakeng sa ho sebetsana le kopo ya tumello ya polokeho.
c a ka mema maikutlo a ngotsweng a tswang lekaleng lefe kapa lefe la mmuso le nang le thahasello tabeng ena; mme d o lokela ho fa moikopedi monyetla wa boemedi tabeng efe kapa efe ya kopo ya tumello ya polokeho.
b hore a nke mehato eo mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a ka fanang ka yona ho etsa hore kopo e finyelle maikutlo a makala a loketseng a mmuso, batho ba nang le thahasello le setjhaba ka kakaretso; le c ho kgotsofatsa mohlanka ya ka sehloohong hore tokelo tsa motho ofe kapa ofe e mong ya nang le thahasello di keke tsa ba ka mosing.
Lekgotla le ka theha maemo tsitsitseng a tla sebetsa mokgahlelong o le mong kapa mekgahlelong e meng ya tumello ya polokeho.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela temanyana ya 3, a ka maneha pallo efe kapa efe tumellong ya polokeho, ho kenyeleditswe?
k tsebiso e fuwe mohlanka ya ka sehloohong wwwa phethahatso, e ngotswe, le phetoho efe kapa efe ya taolo ya motshwari; le l eng kapa eng ya thekniki kapa eng kapa eng eo eleng ya bohlokwa ho tiisa hore ho na le polokeho kapa tshireletso ya batho ba holofetseng, batho ba bang, theepa le ya tikoloho kapa ho etswe monyetla wa ho hlabolla sebaka sefe kapa sefe.
Mohlanka ya ka sehloohong a ka fetola pallo efe kapa efe e teng tumellong ya polokeho.
c ka kopo ya motho ofe kapa ofe ya lohothwang serapeng sa a, a nehelane ka mabaka a ngotsweng a qeto ya hae.
a ho ikamanya le pallo efe kapa efe ya tumello; kapa b ho ikamanya le Molao ona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela, hore ha kopuwa ke motho ofe kapa ofe ya amehang ka lebaka la qeto e entsweng ho latela temanyaneng ya 1, a nehelane ka mabaka a ngotsweng a ho hula kapa ho kgaola tumello ya polokeho.
Motshwari wa tumello ya polokeho a ka lesa tumello ya polokeho.
Tumello ya polokeho e ntshitsweng tlasa Molao ena ha e kgone hore e fetisetswe mothong e mong.
b sebopeho, dikahare le mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka pehelo.
c Maemo ao lekgotla le ka hlokang hore motho ya tshwereng tumello ya polokeho a lekole kapa a fetole mokgwa wa taolo ya polokeho kapa mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka pehelo.
Letona le lokela ho etsa melawana mabapi le tsela e lokelang ho latelwa ke Lekgotla le motho ofe kapa ofe ntshetsopeleng ya melawana le maemo a tshebetso ya polokeho ya ralewa.
Maemo a amohetsweng ke lekgotla ka ho ikammanya le mehato e laeleditsweng e se e tlama batho bohle ba fuweng matla ke Molao ona ho tsamaisa tshebetso ya ralewa.
Lekgotla ho latela metheo le boikemisetso ba Molao ona, le ka nehelana ka boitokollo ba hore motho ofe kapa ofe a seke a ikamanya le boemo bofe kapa bofe tlasa Molao ona ho etsa tshebetso ya ralewa.
Ha ho ka ba le bothata o hlahang dipakeng tsa maemo le melawana, melawana e amaheng ke yona e tla nkellwa hloohong.
e Ho thotwa ha theepa e kotsi ka seporo.
Letona le ka etsa melawana mabapi le?
l bodulo boo eseng ba molao bo etsang hore tshebetso ya ralewa e hloke polokeho kapa e nang le monyetla wa ho etsa tshebetso ena hore e hloke polokeho, ho latela dipallano tsa molao ofe kapaa ofe o busang bodulo boo eseng ba molao.
m taba efe kapa efe e amanang le tshebetso eo eseng ya ralewa e susumetsang polokeho ya ralewa eo Letona le nkang e hlokahala bakeng sa tshebetso e bolokehileng ya ralewa.
Mohlahlobi wa polokeho ya ralewa o lokela hore o fuwe setifikeiti sa khiro se saennweng ke Letona kapa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso lebitsong la Letona, moo ho totobaditsweng hantle mesebetsi ya mohlahlobi.
b le tlhakiso ya opareitara ya mokgwa wa tsamaiso ya polokeho mabapi le tshebetso ya ralewa e etseditsweng monyetla ka tumello ya polokeho.
Mohlahlobi wa polokeho nakong efe kapa efe ntle le ho fana ka tsebiso tlasa taolo ya opareitara a ka fuputsa hore naa a Molao ona, kapa pehelo efe kapa efe e behilweng tumellong efe kapa efe ya polokeho, kapa pehelo efe kapa efe e tlwaelehileng e amohetsweng ho latela Molao ona, kapa tsebiso efe kapa efe kapa taelo efe kapa efe e ntshitsweng tlasa Molao ha e a tlolwa; kapa b ho lekola hore naa lesedi lefe kapa lefe leo ho fanweng ka lona ho latela tumello ya polokeho le nepahetseng kapa tjhe.
Mohlahlobi wa polokeho ya kenang sebakeng ho latela karolo ena, ka kopo ya motho ofe kapa ofe ya sebakeng seo, o lokela hore a itsebise mme a nehelane ka setifikeiti sa khiro ho ya ka moo ho lohothilweng ka teng karolong ya 332.
Ha mohlahlobi wa polokeho a kena sebakeng sefe kapa sefe kapa sebakeng seo ho buuwang ka sona temaneng ya 34 kapa temaneng ya 34 , monga sebaka kapa motsamaisi le mosebetsi e mong le e mong ya phethang mosebetsi ofe kapa ofe ba lokela ho thusa mohlahlobi wa polokeho, ba fane ka dikarabo dipotsong le ho nehelana ka monyetla ofe kapa ofe oo mohlahlobi a o hlokang ka mabaka a utlwahalang?
Batho ba botswang ke mohlahlobi wa polokeho tlasa temananyana ya 1 ba lokela ho fana ka karabo potsong e nngwe le e nngwe ka bokgoni bohle boo ba nang le bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe ha e ba mohlomong karabo eo a tla fana ka yona ho latela mabaka a utlwahalang e tla be e mo kenya tshotsho dinaleng.
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane tse hlwailweng ke mohlahlobi ho kenyeleditswe taba ya ho etsa dikhopi tsa teng; le c ho nehelana ka lesedi lefe kapa lefe ho mohlahlobi, ha mohlahlobi a entse kopo e utlwahalang ho latela taolo ya motho eo.
Ha mohlahlobi ho latela mabaka a utlwahalang aa dumela hore boemo kapa mosebetsi ke tshoso kapa o ka baka tshoso tshebetsong e bolokehileng ya ralewa, mohlahlobi a ka fana ka taelo e lebang ho motho ofe kapa ofe ya ikarabellang boemong bo jwalo ka mosebetsi o jwalo hore?
a mosebetsi oo o sehelwe moedi kapa o kgaotswe, mme mohlahlobi a ka beha dipehelo mosebetsing o jwalo; kapa b ho nkwe bohato nakong e utlwahalang ke motho ya amehang ba ho fedisa tshoso.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng taelo tlasa temananyana ya 1 o lokela ho nka mehato e lokodisitsweng taelong, nakong e itseng e badilweng, ho lokisa mosebetsi oo kapa boemo boo ho buuweng ka bona taelong eo.
Mosebetsi kapa moqhobi e mong le e mong o lokela ho tlalehela mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ka diketsahalo tsohle tsa mofuta le sehlopha ka mokgwa le sebopeho ho latela ka moo Letona le laeleditseng ka teng.
Lekgotla ha le amohetse taelo e tswang ho Letona, le lokela ho fuputsa ketsahalo efe kapa efe ya ralewa ka sepheo sa ho thibela ketsahalo tse tshwanang le tsena ka nako e tlang.
Lekgotla le na le hona ho ka, le ha Letona le laela lekgotla ho etsa jwalo, le lokela ho hira motho ya nang le mangolo a loketseng ho etsa diphuputso tsohle tseo ho buuwang ka tsona temanyaneng ya 1.
aMofuputsi ya hirilweng ho latela temananyana ya 2, o lokela ho fana ka tlaleho e ngotsweng ho lekgotla ha a se a qetile ho fuputsa mme lekgotla le ka nna la amohela tlaleho ena jwalo ka qeto ya lekgotla kapa la sebetsana le yona ha le dumela hore ke bohlale ho etsa jwalo.
Lekgotla le ka amohela pehelo ha ya lona e le qeto ya lona kapa la sebetsa ka yona ho latela ka moo le bonang ho hlokeha.
Motho ya etsang diphuputso ketsahalong efe kapa efe ya ralewa ho latela dipehelo tsa temanyana ya 2, a ka kena le ho hlahloba sebaka sefe kapa sefe, ntle le ntlo ya bodulo, theepa ya tshebetso, marangrang a tshebetso kapa makaretjhe a ralewa eleng theepa e tlasa taolo ya motho ofe kapa ofe, eo ho latela maikutlo a mofuputsi, le ka mabaka a utlwahalang le ka moo ho hlokehang ka sepheo sa diphuputso.
a ho dumella mofuputsi ho suthisa, ka morero wa diphuputso, theepa efe kapa efe kapa ntho tse supilweng ke mofuputsi.
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane e lokodisitsweng ke mofuputsi ho kenyeleditswe taba ya o etsa dikhopi ya ditokomane tsena; le c ho fana ka lesedi lefe kapa lefe le taolong ya motho eo ho mofuputsi, ha mmofuputsi a etsa kopo ka mabaka a utlwahalang.
Batho ba hlongwang dipotso ke mofuputsi ya hirilweng ho latela temanyana ya 2 ba lokela ho araba potso e nngwe le e nngwe ka tsebo ya bokgoni bohle ba bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe e tla mmeha ka mosing ka ho e araba.
1 Bolaodi bo lokela ho theha mokgwa wa lesedi la naha le tlhokomelo mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa kahare ho Afrika Borwa.
Mokgwa wa lesedi lena o ka kenyeletsa, hare tse ding?
c ditaba tsa tshireletso d polokeho le bophelo bo botle mosebetsing; le e le taba efe kapa efe eo lekgotla le bonang e hlokeha.
Bolaodi bo ka hloka hore motho ofe kapa ofe, hore nakong e utlwahalang kapa kgafetsa jwalo, a fane ka lesedi lefe kapa lefe ka mokgwa o ngotsweng, ditokomane, disampole kapa theepa e hlokehang ka mabaka a utlwahalang ka morero wa mokgwa wa lesedi lefe kapa lefe kapa mokgwa wa tlhokomelo.
Lesedi le furweng ke mokgwa ofe kapa ofe wa lesedi kapa mokgwa wa tlhokomelo o thehilweng ho latela kgaolo ena le lokela hore le etswe hore le fumanwe ke Bolaodi, ho nketswe hloohong meedi efe kapa efe e behilweng ke Molao wa Kgothaletso ya ho Fihlella Lesedi Molao wa nomoro ya 2 selemo sa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa selemo sa 2000), le tefo ya tjhelete e itseng e tla behwa ke Bolaodi ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Letona le ka nna la etsa melawana e laeletsang?
a tataiso, mehato, maemo le mekgwa ya ho hlokomela; le b sebopeho, mofuta, nako le sebopeho sa lesedi le lokelang hore ho nehelanwe ka lona bakeng sa tlhahlobo ho latela Kgaolo ena.
Motho ofe kapa ofe eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlahlobi wa polokeho, e ka ba ho latela temana ya 37, kapa tshebediso ya matla afe kapa afe ao a fuweng ho latela Molao ona, o na le hona ho ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto eo ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
b mme o lokela ho lokodisa hantle mabaka a boipiletso boo.
a o tla tiisa, a qhelele thoko kapa a etse qeto e nngwe e fapaneng; kapa b a fetole qeto efe kapa efe bakeng sa qeto e entsweng ke mohlahlobi wa polokeho le qeto ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlanka ya ka sehloong wa phethahatso, mohlomong ho latela temana ya 44 kapa ka ho phethahatsa matla ao a nang le wona ho latela Bili ena, a ka etsa boipiletso ho lekgotla kgahlano le qeto eo.
mme b ho lokodisa mabaka a hao a boipiletso.
a tiise, le qhelele ka thoko kapa le fane ka qeto e nngwe e fapaneng; kapa b fetole qeto ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso bakeng sa qeto ya lekgotla.
Motho ya ahlolwang ka tlolo ya molao ho latela karolwana ya 1 o lokelwa ke ho lefiswa ka morao hoba a fumanwe a le molato kapa a ahlolelwa nako e sa feteng dilemo tse 15 tjhankaneng, kapa tsona bobedi eleng tefiso le ho hlola tjhankaneng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ipapisa le karolo efe kapa efe ya Molao o molato ka tlolo ya molao.
Motho ya fumanwang a le molato ka tlolo ya molao ho latela karolwana ya 3 o lokelwa ke kahlolo ya ho lefiswa kapa ho hlola tjhankaneng nakong ya dilemo tse sa feteng dilemo tse 5, kapa kahlolo tsena di le pedi eleng ya ho lefiswa le ho hlola tjhankaneng.
i ka kopo e ngotsweng ya motho ya tswileng kotsi kapa ya lahlehetsweng; kapa ii ka kopo e ngotsweng e tswang ho Letona kapa ho Bolaodi ho latela tshenyo e bakilweng theepeng kapa tikolohong; le iii boteng ba motho ya fumanweng a le molato, a etsa potsisiso ntle le ho totobatsa boemo ba hae ntlheng ya ho tswa kotsi, tahlehelo kapa tshenyo le ho tsepamisa boholo ba kameho eo.
b laela hore moqosuwa a lefelle ditshenyehelo tsa mehato e nkilweng ya tlhabollo kapa eo eleng hona e tla nkuwa; kapa c laela hore mehato ya tokiso e etsuwe ke moqosuwa.
Motho e mong le e mong eo eleng molaodi kapa eo e neng e le molaodi wa motho ka molao nakong eo motho eo wa molao ya ileng a fumanwa a le molato ka tlolo ya molao tlasa Bili ena a neng a tlola molao ona ka boyena o tla fumanwa a le molato wa tlolo e bolelwang mme o na le boikarabelo kotlong ya ho lefiswa e qaqisitsweng ha e ba tlolo eo ya molao eo ho buuwang ka yna e ile ya ba teng ka lebaka la ho hloleha ha molaodi hore a nke mehato yohle e utlwahalang e neng e hlokahala tlasa maemo oo ho thibela hore tlolo eo ya molao e seke ya ba teng: Ha feela ho na le bopaki ba tlolo eo e bolelwang ke motho eo wa molao e tla ba bopaki bo bonahalang boo molaodi aa tla fumanwa a le molato ka bona tlasa karolo ena.
a tlolo ya molao oo kapa ho hloleha ho inyalanya le ona, ke tlolo ya molao; mme b motho ya fumanwang a le molato ka tlolo eo lya molao o tla fuwa kotlo e nang le tefiso e laeleditsweng kapa nako ya ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng nako e laeleditsweng.
c ho thuisa maikutlo kaofela a amohetsweng mohla letsatsi leo le boletsweng kapa pele ho letsatsi leo le qaqisitsweng seratswaneng sa aii; le d hore ha Palamente ya Naha e etsa kopo kapa Lekgotla la Naha la Diprovense kapa komiti ya Palamente kapa ya Lekgotla la Naha la Diprovense ho be le tlaleho ka moo maikutlo a itseng a ikgethang a ileng a lekolwa ka teng, kapa ha e ba maikutlo ha nkellwa hloohong, le teng ho fanwe ke lebaka hore ke hobaneng ha maikutlo ao a sa ka a tsotellwa.
Letona le lokela hore nakong ya matsatsi a 30 ka morao ho ba le etse molawana ofe kapa ofe ho latela Molao ona , le teke melawana ka Palamenteng ya Setjhaba le Lekgotleng la Diprovense tsa Naha.
Molao ona o tlama makala ohle a Mmuso.
a phethisong ya matla afe kapa afe kapa phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Molao ona; kapa b ho hloleha ho phethisa matla afe kapa afe, kapa ho phethahatsa mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Molao ona, ntle le ha ho phethisa kapa ho hloleha ho phethisa matla, kapa phethahatso kapa tlholeho ya ho phethahatsa mosebetsi ona e ne e le ketso eo eseng ya molao, e bohlaswa kapa e le ntho e entswe ka tshwetso.
Moo mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng e ne e tla ntlafatsa polokeho ya ralewa kapa tshebetso e bolokehieleng ya ralewa, dikopo di ka nna tsa etswa ke lekgotla kapa motho ofe kapa ofe ho Letona bakeng sa thuso ya ditjhelete e mabapi mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng.
Moo kopo e amohetsweng tlasa temanyana ya 1, Letona, ha le kgotsofetse hore kopo e entswe ka mokgwa o nepahetseng le hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e tla matlafatswa ha ho ka etswa mosebetsi oo o lohothwang, kaho kapa mosebetsi o mong, le ka nna la dumela hore ho be le thuso ya ditjhelete ka morero wa ho lefella mosebetsi kaofela kapa karolo ya ona, wa kaho kapa mesebetsi e meng.
a le abilweng ke Palamente; kapa b leo tlasa Bili ena kapa leo ka molao le sebedisetswang morero ona oo ho buuweng ka ona.
Motho eo ka boomo a hlolehang ho ikamanya le boitlamo bofe kapa bofe bo qobellwang ke Bili ena ha a tshwanelwa ke ho fumana thuso ena ya ditjhelete tlasa Bili ena.
Letona le ka etsa melawana mabapi le?
bmokgwa oo thuso ya ditjhelete e lokelang ho kopuwa ka ona; le c dipehelo le dipallo tse tsamayang le thuso efe kapa efe ya ditjhelete eo ho nehelanwang ka yona.
Letona, ka ditherisano le Kabinete, ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso, le ka hloka hore Bolaodi bo phethahatse tumellano efe kapa efe ya matjhaba e kenetsweng ke Afrika Borwa le mmuso wa kantle e amanang le tshebetso ya bolokehileng ya ralewa.
Ntle le moo tumellano ya matjhaba e fanang ka monyetla o mong, Bolaodi bo lokela ho tlaleha ho Letona ka phethahatso efe kapa efe ya mesebetsi ya teng tlasa karolwana ya 1 nakong ya dikgwedi tse tharo pheletsong ya selemong sa ditjhelete.
Tlaleho eo ho buuwang ka yona karolwana ya 2 e lokela ho ba le lesedi le lekaneng le tla dumella Letona ho ka hlahloba mosebetsi wa Bolaodi mabapi le mesebetsi ya bona tlasa karolwana ya 1 kgahlanong le merero e lokodisitsweng tumellanong e tshwanetseng ya matjhaba.
b boemedi bo jwalo bo ka etswa hore bo itshetlehe dipehelong tse jwalo kapa meeding ho latela ka moo motho ya etsang boemedi boo a ka qaqisang ka teng; le c matla a boemedi ao ho nehelanweng ka yona jwalo, ao ha a phethahatswa kapa a phethiswa ke motho ya fuweng matla a jwalo, a lokelwang ho nkuwa a phethahaditswe kapa a phethisitswe ke motho ya etsang boemedi bo jwalo.
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e ntshitsweng ho latela Molao ona ka moya o motle ke Bolaodi e bile e saennwe ke modulasetulo kapa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso wa Bolaodi e lokela ho nkuwa e intshitswe e bile e dumeletswe ka moo ho nepahetseng ka teng ho latela qeto e sebetsang, ho fihlela ho ka hlahiswa bopaki bo hanyetsanang.
Tokomane efe kapa efe e ntshitsweng ho latela Molao ona ntle le tumello e ka tiiswa ha morao.
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e intshitsweng ka moya o motle ho latela Molao ona, empa e sa tsamaelane le Molao ona, e na le matla a tshebetso ha tlhokeho ya boikamanyo e se e behang motho ofe kapa ofe ka mosing.
b e le ho seng ho ile ha lokisitswa ka morao ho moo; mme c ho sa behe motho ofe kapa ofe ka mosing.
Ho hloleha ka moya o motle ho ka tshwara ditherisano kapa ho romela ditsebiso ho motho ofe kapa ofe ya tshwanelehileng kapa mokgatlong o itseng ho latela ka moo Bili e hlokang hore ho etswe ka teng ha ho hlokise matla ketso efe kapa efe kapa tsela efe kapa efe eo ditherisano tse jwalo di hlokahalang pele ka lebaka la yona.
ka ho hokela ka mokgwa o bonahalang tokomane ena sebakeng sa bokeno sa aterese e ngodisitsweng kapa sebakeng sa sehlooho sa kgwebo sa motho wa molao; kapa v ka ho romela ka letsoho sethong se seng le se seng sa lekgotla la balaodi kapa lekgotleng le laolang sa motho wa molao.
Tsebiso efe kapa efe, taelo kapa tokomane e nngwe eo ho nehelanweng ka yona ho latela temanyana ya e nkwa e finyeletse ho motho, ntle le ha ho ka bontsha bopaki bo hanyetsanang le ntlha ena.
Ditemana tsa 1, 2, 3 le 4 tsa Tatelano ya Molao ya Molao wa selemo sa 1989 (Molao wa Nomoro ya 9 wa 1989) wa Tshebeletso ya Dipalangwang ya Afrika Borwa mona e fedisitsweng.
Ona ke Molao wa Bolaodi ba Polokeho ya Ralewa wa selemo sa 2002, mme o qala ho sebetsa ho tloha mohla letsatsi le behilweng ke Mopresidente ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso.
n1.1 Ka diopareitara tse ngata le baamehi indastring ya ralewa ya Afrika Borwa ho hlokeha hore ho potlakiswe tsela ya molao eo tshebetso ya polokeho e lokelang hore e tsamaiswe ka yona , e laolwe le ho hlokomelwa. Bili e hlahisitswe hore ho fanwe ka monyetla o jwalo le ho kgothaletsa tshebetso e bolokehileng ya ralewa. Mona ho kenyeletswa setjhaba le basebetsi ba indastri ya ralewa, ha mmoho le tshireletso ya theepa le tikoloho tshebetsong ya ralewa, ho kenyeleditswe moralo ho batlwa ha moralo wa mosebetsi le makaretjhe. Mokgwa ona o taheha moralo wa molao oo kahare ho ona ho ka ntshetswang pele maemo a tshwanang a polokeho le ho a sebedisa.
Polokeho ya tshebetso ya ralewa jwale e tla tsamaiswa ho latela Mokgwa wa Taolo e Bolokehileng (SMS). Opareita e ntshetsa pele le ho phethisa lewa le loketseng bakeng sa tsamaiso e bolokehileng le ho fokotsa mathata. Bili e theha Bolaodi bo sa nkeng lehlakore le bo se nang leeme ba Polokeho ya ralewa, boo mosebetsi wa bona e leng ho hlakisa le ho hlahloba taba ya boinyalanyo le Mokgwa wa Taolo e Bolokehileng. Bolaodi bo tla ba le matla a hlokehang a ho hlokomela polokeho indastring ya ralewa. Bo sebetsa jwalo ka moemedi ya hlokang leeme ya nehelanang ka pehelo ka ho otloloha ho Letona la Dipalangwang, mme bo thehilwe ka lekgotla le kgethilweng ke Letona, Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le moifo wa basebetsi.
Ho amohelehile hore mokgweng o mong le o mong wa ralewa boikarabelo ba sehlooho bakeng sa polokeho bo itshetlehile mahetleng a dikhampani tse sebetsang ralewa. Boikemelo ba Bolaodi diopareitareng tsena bo kgothaletsa boikarabelo le bakeng sa polokeho ya tshebetso ya tsona mme bo nehelana ka moralo o nepahetseng bakeng sa tlhokomelo e ntlalafatseng le e sebetsang hantle ya polokeho ya indastri ya ralewa. Tlasa tsela e jwalo ya molao, ntlafatso ya motjha o tjhele ya polokeho ya ralewa e dula e tiisitswe, mme ka hoo ho kgothaletswa tshebediso ya ralewa jwalo ka mokgwa o sebetsang hantle wa dipalangwang.
Bolaodi bo fumana ditjhelete haholo tjheleteng e abilweng ke Palamente, ha mmoho le ditefellong tse lefilweng ekasitana le dinyehelo tseo di bo fumanang. Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le tsepamisa meputso ya ditho tsa baokamedi ba lekgotla.
Tsela ya taolo e behilweng ke Bolaodi e itshetlehile ditlhokong tsa tshebetso ya ralewa. Bolaodi b hloka hore moikopedi a nehelane ka Pehelo ya Mokgwa wa tsamaiso o bolokehileng, e hlohlojwang ka mokgwa o sa kgetheng lehlakore pele ho nehelanwa ka laesense. Bolaodi ho tloha moo bo hlokomela tshebetso ya e bolokehileng ya mokgatlo ka ho etsa ditlhahlobo tse tlwaelehileng neng kapa neng feela, ka tlhakiso ya dibuka le ho hlahloba dipehelo tsa dikotsi, dipalopalo tsa dikotsi le ditshekamelo ho tiisa hore ho na le nyalano le Mokfwa wa Taolo e Bolokehileng.
Letona le ka nna la etsa melawana e ka bang le tshusumetso e otlolohileng kapa e sa otlolohang polokehong ya ralewa. Ho feta moo, boitekong ba ho tlisa kutlwano tsamaisong ya polokeho , boemo bofe kapa bofe bo amohetsweng ke Lekgotla bo tlama batho ba amanang le mesebetsi efe kapa efe e mabapi le dikarolo tseo tsa tshebetso ya ralewa tseo maemo ana a amanang le tsona. Ka hoo, ho na le boitlamo bo nepahetseng ba hore diopareitara di inyalanye le maemo a polokeho.
Boikemisetso bo ka sehloohong ba Bili ke ho etsa monyetla wa ho motheo wa Bolaodi wwa Ralewa e Bolokehileng e le hore ho tle ho laolwe tshebetso e bolokehileng ya ralewa; bakeng sa maikemisetso le mesebetsi ya bona; ka mokgwa oo bo lokelang hore bo tsamaiswe ka teng le molemong wa ditaba tsa basebetsi ba teng; ho etsa monyetla wa maemo a polokeho le ditlwaelo tsa molao bakeng sa tshireletso ya batho, theepa le tikoloho; le ho nehelana ka monyetla bakeng sa ditaba tsa tsamaelanang le yona.
Tekolo e nngwe ya bohlokwa ke ho tlisa ho kgema mmoho ha tshebetso ya ralewa ya Afrika Borwa e bolokehileng le maikemisetso le ditlhoko tsa Ntshetsopele ya Setjhaba sa Afrika Borwa (SADC) bakeng sa tshebetso ya ralewa e le ho tiisa hore ho tla fihlellwa sepheo seo le ho theha mokgwa o loketseng wa molao.
Ho boetse ho hlophisitswe ditherisano tse ding leDiprovense tse latelang: ya Freistata, ya Mpumalanga, ya Kapa Leboya le Kapa Botjhabela, ekasitana le Lefapha la Temo, Lefapha la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae le Lefapha la Polokeho le Tshireletso.
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI YA MAQHEKU 1 (20.txt</fn>
Palo ya dikhopi tse hatisitsweng..
Ho lokisetsa tshireletso, bophelo bo botle le matlafatso ya Maqheku; bakeng sa poloko le phahamiso ya maemo, ditokelo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya Maqheku; bakeng sa tlhokomelo ya tse molemong wa bona; ho thehwa le ho ngodiswa ha dibaka tse itseng; bakeng sa bodulo le tlhokomelo ya Maqheku ba dibakeng tseo; le dintlha tse ding tse amanang le tsona.
LE JWALO KA HA ho nkuwa e le hwa bohlokwa hore diphetoho di kenngwe melaong e ntseng e sebetsa e mabapi le maqheku e le hore maqheku a thuswe ho ka kgona ho fihlela ditshebeletso tse lekanang hape tseo ba ka di lefellang, ekasitana le ho fana ka matla ho maqheku hore a kgone ho tswela pele ho phela ka phethahalo le ka tshwanelo setjhabeng se ba bonang e le mehlodi ya bohlokwa ya ntlafatso ya bophelo le tsebo e kenelletseng.
tlhokomelo setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso?
sebaka moaho o tsamaiswang bakeng sa ho fana ka bodulo, tlhokomelo ya setjhaba, phumantsho ya matlo, tlhokomelo le ditshebeletso tsa tshehetso ya maqheku mme o kenyelletsa bodulo empa ha ho kenyelletse lelapa la bodulo la poraefete le nang le maqheku a ka tlase ho supileng bakeng sa ho putswa kapa tlelapo ya lantjhe kapa moaho kapa sebopeho seo ho sona ho fanwang ka tlhokomelo ya lapeng?
motho ya fokolang?
tlhokomelo ya ka lapeng?
tlelapo ya lantjhe?
leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso?
mohlanka wa sepolesa ho bolelwa setho se hlaloswang karolong ya 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa, 1995 Molao wa No?
moabi wa tlhokomelo ya bophelo bo botle wa profeshenale?
sebaka sa tshireletso?
mosebeletsi wa setjhaba?
n ho kgaotsa hore maqheku a lefe direiti tsa thepa le lekgetho; le o phumaneho le bokgoni ba ho fihlela dipalangwang setjhaba tsa mahala kapa tse tla ba le disaposidi bakeng sa maqheku.
Dibaka le ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona kapa tse thuswang ka ditjhelete ho tswa kabong tsa makgotla a ketsa melao a diprovense bakeng sa morero oo di lokela ho tsamaelana le ditlwaelo le maemo a amohelehileng a naha.
Letona le lokela ho beha ditlwaelo le maemo a amohelehileng a naha ka mora ho rerisana le Letona la Ditjhelete, Khomishene ya Ditjhelete le Matlotlo le Ditho tsa Makgotla a Phethahatso tse ikarabelang ntshetsopeleng ya setjhaba diprovenseng tsa tsona.
Letona le ka beha maemo a tshebediso ya dithuso tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 3, ho kenyelletswa le dipehelo mabapi le dibuka tsa ditjhelete.
Motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso eo ho buuwang ka yona karolong ya 3, o lokela ho e sebedisa le ho ikarabela bakeng sa yona ka ho latela dipehelo tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1.
E bang ho sa ka ha latelwa pehelo e hlahellang karolwaneng ya 1, Setho se tshwanelehileng sa Lekgotla la Phethahatso se ka hula thuso eo ka mora ho fana ka tsebiso ya kgwedi e le nngwe ya maikemisetso a ho etsa jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso eo ho buuwang ka yona karolong ya 3 o lokela ho busetsa palo efe kapa efe e sebedisitsweng ho sa latelwe pehelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya hlolehang ho latela dipehelo tsa karolo ena o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao.
Ka ho ya ka karolo 23, ha ho na motho ofe kapa ofe ya tlang ho ba monga, a laola kapa a tsamaisa sebaka, ntle le hore sebaka seo be se ngodisitswe tlasa karolo ena.
b Sebaka se hlokomelwang ke Mmuso ha se hloke ho ngodiswa tlasa karolo ena.
Motho ya batlang ho ba monga, ho laola le ho tsamaisa sebaka, o tshwanetse ho etsa kopo ho Letona bakeng sa ho ngodisa sebaka seo, mme ho a ho etsa ka mokgwa o behuweng.
a hana kopo kapa la fana ka yona ho ya ka dipehelo tseo a tlang ho di beha, mme ha a fana ka tumello, a laela hore ho ntshuwe setifikeiti sa ngodiso se hlalosang dipehelo tseo ho mokopi foromong e laetsweng; kapa b ho latela dipehelo tsao a tla beng a a behile, a ka hlalosa, a fana ka matla ho mokopi ho sebetsa ka sebaka bakeng sa nako e sa feteng dikgwedi tse 12, jwalo ka ha Letona le ka hlalosa, le laela hore lengolo la nakwana la ngodiso le fanang ka dipehelo tseo le fuwe mokopi ka foromo e lokiseditsweng hona bakeng sa nako eo, mme ka mora pheletso ya nako eo, kapa ka mora ngodiso ka mokopi ka mokgwa o behuweng hore pehelo e boletsweng e latetswe, le ha e le hofe ho tlang pele, a ka ananela kopo.
Letona nakong e nngwe le e nngwe ka mora tlhokomediso ya kgwedi ka maikemisetso a lona, le ka mora tekolo ya dintlha tseo ho fanweng ka tsona ho lona kgweding eo, le ka nna la lokisa kapa hlakola lengolo la ngodiso le ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a.
a Tokiso kapa tlhakolo ya setifikeiti se jwalo sa ngodiso e lokela ho etswa ka tlhokomediso ya monga sona, mme se lokela ho qala ho sebetsa ka letsatsi le hlahellang tlhokomedisong.
b Mohla o boletsweng tlhokomedisong ha wa tshwanela ho ba pele ho dikgwedi tse tharo pele ho tloha tsatsing la tlhokomediso, ntle le ha Letona le monga setifikeiti sa ngodiso ba dumellane ka mokgwa o mong.
Motho eo setifikeiti sa ngodiso se fuweng yena ho ya ka karolwana ya 3, a ke ke a se fetisetsa ho motho e ofe kapa ofe e mong.
Ha ngodiso ya sebaka e hlakotswe ho latela karolwana ya 4, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala ka tlasa lebaka lefe kapa lefe, o tla lokela ho nka mehato e hlokehang ho netefatsa hore ho kwalweng ha sebaka se jwalo maqheku a sebakeng se jwalo a fumantshwa bodulo sebakeng se seng kapa le batho ba bang, bao ho ya ka maikutlo a mosebeletsi wa setjhaba, ba loketseng ho ka dudisa leqheku kapa maqheku.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya sa ikamahanyeng le dipehelo tsa karolo ena, kapa taelo e behuweng tlasa ona, o molato wa tlolo ya molao.
a ke motsamaisi wa tlelapo ya lantjhe b o fana ka tlhokomelo ya lapeng; kapa c o behile maqheku a ka tlase ho a supileng lehaeng la bodulo la poraefete bakeng sa ho fumana moputso.
Ha motho eo ho buuwang ka yena karolwaneng ya 1 a batla ho fumana thuso ya ditjhelete, o lokela ho etsa kopo ho Letona foromong e behuweng bakeng sa ngodiso ya tlelapo e jwalo, tlhokomelo kapa bodulo.
Motho ofe kapa ofe ya behileng maqheku a ka hodimo ho a tsheletseng lehaeng la bodulo la poraefete bakeng sa ho fumana moputso o molato wa tlolo ya molao ntle le haebe lehae leo le ngodisitswe jwalo ka sebaka ka ho ya ka karolo ya 5.
Ha ho ka etsahala hore ho be le lebaka la ho dumela hore dipehelo tse hlahellang karolong ya 5 ha di a latelwa, Letona le ka laela hore ho nkuwe mehato e itseng ho etsa hore ho latelwe dipehelo tseo.
Monga sebaka o lokela hore, ka nako tsohle tse loketseng, a tlalehele Letona ka maemo afe kapa afe a ka etsang hore a se kgone ho latela ka botlalo pehelo efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolong ya 53.
c a nehe Lefapha thepa yohle e rekilweng ka ditjhelete tsa Mmuso kapa e fumanweng e le dimpho ka maikemisetso a kgethehileng a ho thusa maqheku.
Ha ho na le maqheku a ka hodimo ho 10 a dulang sebakeng se itseng, ho tshwanetswe hore ho hlongwe komiti ya badudi e emetseng badudi.
b ho kgethwa, ho thonngwa, mangolo a thuto, nako ya ho kena ofising le mabaka a ho tloswa ofising ha ditho tsa komiti eo ya badudi le ho tlatswa ha dikgeo tsa komiti; le c lenane la, mokgwa wa tshebetso wa komiti eo ya badudi.
g o hloma mekgwa ya ho tletleba bakeng sa badudi ba sebaka le bathop ba batlang ho tletleba lebitsong la modudi ofe kapa ofe; mme h o etsa hohle ho hlokehang kapa ho tshwanetseng bakeng sa tshebetso e tsamayang hantle haholo ya sebaka.
Ha ho na motho ya tlang ho kgetholla ka ho toba kapa ho se tobe motho ya etsang kopo ya ho amohelwa sebakeng ka lebaka kapa mabaka a boletswengb karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Tlhokeho ya sebaka se kenyelletsang merabe yohle ya Afrika Borwa e tla lokelwa ho elwa hloko ha ho shejwa ho tshwaneleha ho amohelwa sebakeng.
Ha motho a ka hanelwa mme a se amohelwe sebakeng, motsamaisi wa sebaka seo o lokela hore a fane ka mabaka a ho hanela motho eo ya entseng kopo e jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang dipehelo tsa karolwananya 1 o molato wa tlolo ya molao.
a ka etela le ho beha leihlo sebaka kapa tulo efe kapa efe kapa efe moo maqheku a hlokomelwang kapa ho fuwa bodulo ho yona.
b buisana le motho ofe kapa ofe ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng se jwalo kapa tulong.
c ka thuso kapa e seng ka thuso ya moabi wa tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya seprofeshenale a botsa ka bophelo ba leqheku kapa motho ya fokolang.
d laela motho ofe kapa ofe ya nang le buka kapa tokomane e mabapi le sebaka se jwalo kapa tulo, ho fana ka buka kapa tokomane e jwalo ho yena hore a e hlahlobe.
Mosebeletsi wa setjhaba kapa motho ya kgethuweng ya sebedisang matla a hae ho latela karolwana ya 1, ka kopo ya motsamaisi wa sebaka se amehang kapa motho ya laolang sebaka se amehang, jwalo ka ha ho hlokeha, o lokela ho fana ka setifikeiti e ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso e hlalosang hore ke mosebeletsi wa setjhaba kapa ke motho ya kgethuweng.
b a hana hore mosebeletsi wa setjhaba kapa motho ya kgethuweng a kgone ho fihlela leqheku kapa motho ya fokolang ya behuweng sebakeng kapa tulong e boletsweng karolwaneng ya 1; kapa c a hana kapa a hloleha ho latela taelo e dipehelong tsa karolwana ya 1d.
i maemo a ditshebeletso a behuweng; le ii mehato e behuweng ya ho thibela le ho lwantsha tlhekefetso ya maqheku; le c dipehelo tsa maemo a behuweng a ditumellano tsa ditshebeletso tse fihletsweng selemong seo sa ditjhelete.
a fana ka tsebiso ho motsamaisi hore ha pehelo e jwalo e sa kene nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la tsebiso eo, tshehetso efe kapa efe e lefuweng bakeng sa sebaka seo ho latela karolo 3 e ka fediswa; mme b ha e le hore pehelo ha e so kenngwe matsatsing a 90 ka mora mohla wa tsebiso ho ya ka seratswana sa a, le ka fedisa tshehetso ka mora ho fana ka tsebiso ya ho etsa jwalo nakong ya kgwedi.
Motho ofe kapa ofe ya hlekefetsang leqheku o molato wa tlolo ya molao.
b ho bonahala a iketsetsa ho motho ya hodileng kapa ya fokolang ka ho fumana moputso o mongata haholo, ka tjhelete kapa thepa, bakeng sa bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya jwalo sebakeng seo e seng sa hoo, motjhotjhisi eo wa setjhaba, ka ho latela dipehelo tsa karolwana ya , a ka kopa mongodi wa lekgotla leo ho ntsha disamane tse bitsang motho wa pele ho bolelwa ho hlaha, ka nako le sebaka se boletsweng moo, pela makgistrata sebakeng seo.
Motjhotjhisi wa setjhaba ha a lokela ho ya ka karolwana ya 1 ho kopa tlereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha disamane ntle le hore o fumane tlaleho ho tswa ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ka bodulo kapa tlhokomelo ya leqheku kapa motho ya fokolang eo ho buuwang ka yena.
Ha ho etsahala ka lebaka la setatemente tlasa kano se hlahellang karolwaneng ya 1 motjhotjhisi wa setjhaba o na le lebaka la ho belaela hore mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka o tla thibelwa kapa hanelwa ho ya, kapa ho keneng sebakeng seo leqheku kapa motho ya fokolang eo ho buuwang ka yena a dulang kapa a hlokomelwang ho sona ho ya etsa diphuputso tse hlokehang hore a tle a fane ka pehelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2, kapa ha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka a ka thibelwa kapa a hanelwa ho etsa jwalo, makgistrata ya amehang ha a ka a bolelwa ka kopo ya motjhotjhisi wa setjhaba, a ka ntsha lengolo le fanang ka matla ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho ya kapa ho kena sebakeng seo bakeng sa diphuputso tse jwalo.
Makgistrata ka lengolo le ntshitsweng ke yena ka ho latela karolwana ya 3 o neha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka matla a ho tsamaya le mohlanka wa sepolesa ho ya diphutsong tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng e boletsweng.
Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe wa 1977 wa 51 wa 1977 o tla sebetsa, mmoho le diphetoho tse hlokehang, mabapi le sebopeho le mokgwa wa tshebetso ya disamane dinyeweng tsa botlokotsebe makgotleng a manyane a dinyewe, nako e lokelang ho fuwa batho ba bitsitsweng ho tla hlahella ka pela lona, ho ka sebetswa ka yona ha ba hloleha ho hlahella kapa ho dula ba ntse ba le teng, jwalo ka ho hlokeha, o sebetsa ka diphetoho tse loketseng tse mabapi le disamane tse ntshitsweng ho ya ka karolwana ena.
a a thibela kapa a sitisa mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ho phetheng mesebetsi ya hae ho ya ka karolo ena; kapa b a hana ho neha mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale tsebiso ha a e kopile e mabapi le bodulo kapa tlhokomelo ya maqheku kapa batho ba fokolang ba dulang ho yena, e le hore hoo ho hlokeha bakeng sa morero wa diphuputso jwalo ka ha ho boletswe karolwaneng ya 3.
Ho latela dipehelo tsa karolo ena makgistrata eo motho ofe kapa ofe a hlahellang ka pela hae ho latela karolo ya 16 o lokela ho batlisisa ka nepahalo kapa ho se nepahale ha menyenyetsi e hlahellang disamaneng tseo ho buuwang ka tsona.
Motjhotjhisi wa Setjhaba kapa motho ofe kapa ofe ya behuweng ke makgistrata bakeng sa ho hlahella dipatlisisong a ka bitsa dipaki le ho botsisia dipaki le ha e le dife tse fanang ka bopaki.
Motho eo menyenyetsi ena e entsweng ka yena, a ka fana ka bopaki le hore yena kapa moemedi wa hae wa semolao, a ka botsisisa dipaki le ha e le dife tse bitsitsweng ho ya ka karolwana ya 2, le ho bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla ho fana ka mabaka a hore hobaneng taelo e sa lokelang ho ntshuwa tlasa karolwana ya 10.
Ho ya ka ntho efe kapa efe e kgahlano le e hlahellang Molaong ona, molao o mabapi le botlokotsebe o tla sebetsa le ditokiso tse hlokehang ho latela diphetoho tse hlokehang ho ya ka supina, ho bitswa le ho botswa ha dipaki bakeng sa kapa dipatlisisong, ho nkuwa ha bopaki le tlhahiso ya ditokomane le tse ding tse teng moo, le ho lefuwa ha ditjhelete tse thusang dipaki.
Diketsahalo dipatlisisong di lokela ho etswa lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le sa bulelwang bohle.
Dipehelo tsa karolo 1591 tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe, 1977 Molao wa 51 wa 1977, ha di le mabapi le boitshwaro lekgotleng la dinyewe tsa botlokotsebe moo moqosuwa a leng siyo, o tla sebetsa ka diphetoho tse hlokehang ho ya ka dipatlisiso tse ileng tsa tshwarwa ho latela karolo ena.
Dipehelo tsa karolo ya 108 ya Molao wa Makgotla a Dinyewe a Bokgistrata, 1944 Molao wa 32 wa 1944, o tla sebetsa ka diphetoho tsa ona tse hlokehang ho latela diketsahalo tse mabapi le patlisiso tse tshwerweng ho ya ka karolo ena.
Pehelo eo ho buuwang ka yona karolong ya 142 e lokela ho romelwa ho makgistrata ya tshwereng dipatlisiso ya ka laelang ngaka ya setereke, kapa ngaka ya mahloko a kelello kapa moeletsi wa tsa mahloko a kelello ho hlahloba motho ya hodileng kapa ya fokolang ya amehang le ho fana ka pehelo ka tseo a di fumaneng.
Dikateng tsa pehelo di ka kenngwa kapa tsa fanwa ho latela karolwana ya 8 di tla lokela ho tsebiswa motho eo menyenyetsi e leng kgahlano le yena, mme ha a batla, yena kapa moemedi wa hae wa molao o tla lokela ho fuwa monyetla wa ho botsisisa motho ya entseng pehelo, ho latela dintlha tse hlahellang pehelong, le ho hanana le menyenyetsi e hlahellang moo.
a dumella motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela leqheku kapa motho ya fokolang tlasa dipehelo tse tla behwa ke makgistrata; kapa b a thibela motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela leqheku kapa motho ya fokolang nakong e sa feteng dilemo tse 10, ho ya ka moo makgistrata a ka laelang ka teng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa a sa ikamahanye le pehelo e entsweng ho ya ka karolo ya 10a kapa ya tlolang kapa a hloleha ho latela karolwana ya 10b o tla ba molato wa tlolo ya molao.
a ho ntsha leqheku leo le romelwe sepetlele ha le lemetse kapa sebakeng se seng se tla bolelwa ke yena Molaodi Kakaretso; mme b a hlophise hore leqheku leo le fumana kalafo e hlokehang.
Karolo ya 143 e tla seetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le ho tloswa ha leqheku le amehang.
Motho ha a na boikarabelo mabapi le tsebiso efe kapa efe e tla etswa ka botshepehi bo botle ka ho latela karolwana ya 1.
Motho ya hlolehang ho latela karolwana ya 1 o tla ba le molato wa tlolo ya molao.
b rejistara ya batho ba fumanweng ba le molato wa tlhekefetso ya maqheku.
Motho eo lebitso la hae le hlahellang direjistareng tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1b a ke ke a ba monga, a tsamaiasa kapa a laola sebaka se fanang ka tlhokomelo le ditshebeletso maqhekung.
Motho ofe kapa ofe ya sebetsanang le maqheku boemong ba hae ba profeshene mme eo ka tjhebo ya hae a etsang qeto ya hore leqheku le hloka tlhokomelo kapa tshireletso o tla lokela ho tlaleha qeto e jwalo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ntle le ho ya boletsweng karolwaneng ya 1 eo ka ho ya ka maikutlo a hae a bonang hore ng hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso a ka maikutlo ao ho mosebeletsi wa setjhaba.
Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba eo pehelo e neng e etswa ho yena o lta lokela ho etsa tlhahlobo ya pele ho pehelo ka ho fuputsa taba ena.
Ebang pehelo e netefaditswe ke diphuputso, Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba o tla lokela ho nka mehato e loketseng ho netefatsa hore phano ka ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya leqheku le a di fumantshwa.
h le boemong ba ho se natswe mmeleng kapa kelellong kapa bodulong; kapa i le kileng la hlekefetswa kapa le ntseng le hlekefetswa.
b a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso ho etsa mosebetsi oo Letona ke Molao ona.
b fana ka matla a jwalo ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi ofe kapa ofe o nehuweng Molaodi Kakaretso tlasa Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso wa tsamaiso ya provense karolong ena ya tlang ho bitswa?
b a fana ka matla hore mohlanka ya jwalo a phethe mosebetsi ofe kapa ofe, oo yena a fuweng matla wa ho o phetha tlasa karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng matla kapa ya fuweng matla a ho phetha mosebetsi tlasa karolwana ena, o lokela ho sebedisa malta a jwalo kapa ho phetha mosebetsi oo a ikamahantse le dipehelo tseo motho ya mo fileng matla a boneng ho le molemo ho mo fa tsona.
c e ka hulwa neng kapa neng ka lengolo ke motho eo.
a karolo ya 45, 58, 63, 103a, b kapa c kapa 146a kapa b o tla lokelwa ho lefiswa faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e ke keng ya feta selemo se le seng, kapa ka bobedi faene le ho kwallwa tjhanakaneng hoo; kapa b karolo ya 94, 13, 1511, kapa 165 o tla lokelwa ho lefiswa faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e ke keng ya feta dilemo tse hlano, kapa ka bobedi faene le ho kwallwa tjhanakaneng hoo.
k poloko ya direjistara ho latela karolo ya 17; le l ka kakaretso, ntlha efe kapa efe eo letona le nahanang e le ya bohlokwa kapa e potlakileng bakeng sa ho etsa molawana hore ho fihlellwe dipheo tsa Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa o tla lokela ho etswa ka mora therisano le Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditshehetso ka mokgwa wa ho lokela ha ditshebeletso o lokela ho etswa ka tumellano le Letona la tsa Ditjhelete.
Molao ona o tlama mmuso ntle le ho fihlela tabeng ya botlokotsebe.
Molao wa Maqheku, wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967), o hlakotswe moo e leng hore o mabapi le dipehelo tse sa kang tsa fuwa batho ba loketseng ka hara tshebetso ya toka ya mmuso wa provense ho latela Phatlalatso ya Nomoro ya R.7 ya 1996.
b Molao o Fetotsweng wa Maqheku, wa 1998 Molao wa Nomoro ya 100 wa 1998, o hlakotswe.
Motho ofe ka ofe ya tsamaisang lehae la maqheku le ngodisitsweng ka ho ya ka Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ka potlako feela pele Molao ona o kena tshebetsong, o lokela hore dikgweding tse 12 ho tloha letsatsing leo ka lona Molao ona o kenang tshebetsong, a etse kopo ya ngodiso ka ho ya ka karolo ya 5 ya Molao ona.
Lehae la maqheku leo ho buuwang ka lona karolwaneng ya 2 le tla dula le ntse le ngodisitswe ka ho ya ka Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ho fihlela Letona le ananela kapa le hanela kopo jwalo ka ha ho lohothwa karolong ya 5 ya Molao ona.
Motsamaisi ya fumaneng saposidi tlasa karolo ya 2 ya Molao wa Maqheku, wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967, ka potlako pele Molao ona o kena tshebetsong be e le hore o ntse a tswela pele a fumana saposidi eo bakeng sa dikgwedi tse 12 ka mora letsatsi leo Molao ona o keneng tshebetsong ka lona.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e bonahetseng e entswe tlasa pehelo ya molao o hlakotsweng ke karolwana ya 1 e ka etswang ka ho ya ka Molao ona, e lokelwa ho nkuwa e entswe ka ho ya ka dipehelo tse tsamaelanang le hoo tsa Molao ona.
Molao ona o bitswa Molao wa Maqheku, 2003 mme o qala ho sebetsa ka tsatsi le tla behwa ke Mopresidente ka phatlalatso Lesedinyaneng la Mmuso.
Ho hola e lokela ho ba nako eo phehiso ya motho setjhabeng e ananelwang le ho tlotlwa. Dibakeng tse futsanehileng maqheku a ba le phehiso e tlotlehang malaepeng e le bahlokomedi ba bana, batho ba sa itekanelang le ba angwang le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e leka ho boloka le ho eketsa bokgoni ba maqheku ho itshehetsa le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba bao ba ba potapotileng.
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa maqheku; le d ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
Diboka tsa ditherisano tse mabapi le dipehelo tsa Bili ena di ile tsa tshwarwa ke Komiti ya Lefapha e shebaneng le Ntshetsopele ya Setjhaba Sebokeng sa Naha, Komiti e Ikgethang ya Ditshebeletso tsa Setjhaba ka hara Lekgotla la Naha la Diprovense, mekgatlo ya naha le dikhansele le mafapha a diprovense a ntshetsopele ya setjhaba. Bongata ba mafapha a naha, a jwalo ka Lefapha la Dipalangwang, Tshireletso le Polokeho, Bophelo bo Botle, Ditaba tsa Kahare ho Naha le Ditaba tsa Metsi le Meru le ona a ile a ba le seabo dibokeng le ho fana ka phehiso e babatsehang, e ileng ya lebisa ho ralweng ha Bili ena.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola maemo a ditjhelete a ka hlahang ka baka la Bili ya maqheku e rerilweng, le dipehelo tse loketseng tsa ditekanyetso tse tlang ho kenngwa ka hara Lenaneo la Ditjeo tsa Nako e Bohareng.
ditjeo tsa tsamaiso le ho bakang ditjeo (mehato e eketsehileng, basebetsi, mekgwa ya tshebetso ya botsamaisi, tsebiso le pehelo jj) le mokgwa wa ho hlophisa wa mokgatlo (Dikomiti tse ntjha, Diyuniti, Mekgatlo jj) boemedi/phano ka matla a ho etsa mosebetsi ho mmuso wa provense/lehae.
Pehelo ka sena e a fumaneha Lefapheng.
Ho hlwaya ditjeo tsa poraefete tse tobileng tsa Bili k.h.r.
Ho utlwisisa le ho hlahlobisisa kgahlamelo e felletseng ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Bili.
ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya batho ba sa lokelang ho fana ka tlhokomelo maqhekung; le kgahlamelo ya ditjhelete ka hara mmuso.
Boikarabelo bo amanang le ho etswa ha dipatlisiso.
Ho arabela diqeto tse entsweng mabapi le maqheku a hlokang tlhokomelo.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sejetswa ke Palamente ho latela mekgwa ya tshebetso e behuweng ke karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo, ka ha e wela tlasa mosebetsi o boletsweng Shejulung ya 4 ya Molao wa Motheo, e leng Ditshebeletso tsa Thekolohelo?
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI YA MAQHEKU 2 (20.txt</fn>
Ho sebetsana ka mokgwa o phethahetseng le qaka ya maqheku ka ho theha moralo wa tshebetso o reretsweng matlafatso le tshireletso ya maqheku le ho kgothaletsa ha mmoho le ho hlokomela boemo ba bona, ditokelo, bophelo bo botle ba bona, polokeho le tshireletso; ekasitana le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
JWALO KA HA Molao wa motheo o theha setjhaba se ikamahantseng le makgabane a demokerasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa motheo tsa botho le ho batla ho ntlafatsa tekano ya bophelo ba baahi kaofela le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong.
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka tsela e nngwe?
tlhokomelo e fumanehang setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso?
leqheku le fokolang?
mohlokomedi wa bophelo bo botle?
tlhokomelo e tswang lapeng?
leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso?
mohlanka wa sepolesa?
sebaka sa bodulo?
tlhokomelo ya kgefutso?
mosebetsi wa thekolohelo?
Molao ona o kenyeletsa le melawana efe kapa efe?
d ho laola ngodiso, ho thehwa le tsamaiso ya ditshebeletso le ho thehwa ha mmoho le tsamaiso ya dibaka tsa bodulo tsa maqheku; le e ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
Ho latela Molao ona kabo ya boikarabelo, Molao ona o lokela ho phethahatswa ke makala kaofela a mmuso a sebeletsang maqheku boemong ba naha, ba provense, moo ho lokelang le lehlakoreng la puso ya selehae ka mokgwa o kopantsweng, o hokahantsweng le o tshwanang.
Kananelong ya hore ho na le tlhodisano ya ditlhoko tsa setjhaba le tsa moruo, makala a jwalo a mmuso a lokela ho nka mehato e utlwahalang ho fihlela moo ho kgonehang teng ho latela mehlodi ya bona e teng ho fihlella phethahatso ya maikemisetso a Molao ona.
Ho fihlela phethahatso ya Molao ona ka mokgwa o rerilweng karolwaneng ya 1 le ya 2, makala ohle a mmuso a lokela ho sebedisana ha mmoho ntshetsopeleng ya katamelo e tshwanang e reretsweng kgokahanyo le kopanyo ya ditshebeletso tse etsetswang maqheku.
Ditokelo tseo leqheku le nang le tsona ho latela Molao ona di tlatseletsa ditokelo tsa leqheku ho ya ka Bili ya Ditokelo.
Makala ohle le bahlanka kaofela, basebetsi le baemedi ba makala ba lokela ho hlompha, ho tshireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa maqheku jwalo ka ha di fuperwe ke Molao ona.
Molao ona o tlama batho ba amehang ka tswalo kapa ka molao ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng, ho nketswe hloohong sebopeho sa tokelo le sebopeho sa boikarabelo bofe kapa bofe bo tlamang ho latela molao ona.
a phethahatso ya melao kaofela e amanang le maqheku, ho kenyeletswa Molao ona; le b mehato yohle, diketso le diqeto tsa lekala lefe kapa lefe la mmuso ntlheng efe kapa efe e mabapi leqheku kapa maqheku ka kakaretso.
mehato kaofela, diketso kapa diqeto mabapi le ditaba tse amanang le leqheku di lokela?
c ho sebetsana le leqheku ka tsela e hlokang leeme le ka tekano; le d ho tshireletsa leqheku kgethollong e nang le leeme tlasa mabaka afe kapa afe a boemo ba bophelo kapa kgolofalo ya leqheku lena.
a ho latelwe mokgwa o tlisang maemo a poelano le tharollo mme ho qojwe katamelo e bontshang kgalefo; le b tieho mohatong ofe kapa ofe kapa qetong e lokelang ho nkuwa e be dintho tse qojwang ka tsela tsohle.
Letona ka dinako tsohle, ka tsebiso koranteng ya mmuso, le ka beha makgabane le maemo a naha ka sepheo sa ho hlalosa maemo a amohelehang a ditshebeletso tse ka fuwang maqheku ao ka ona ditshebeletso tsena di tlamehang ho tonelwa leihlo le ho hlahlojwa.
e ho dula tikolohong e nketseng hloohong bokgoni ba bona bo fetohakang; le f ho fihlella menyetla e kgothaletsang boemo ba bophelo ba bona phedisanong le ba bang, mmeleng, kelellong le maikutlong.
i e netefatsang tlhabollo le ho thehwa ha menyetla ya thuso ya maqheku; le j ya ho netefatsa, ka moo ho kgonehang ka teng, hore maqheku a kgone ho finyella ditshebeletso le menyetla e teng.
Leqheku le fumanang tlhokomelo ya lapeng le tshebeletso tsa tshehetso, ntle le ditokelo tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 7, le na le tokelo ya a ho dula lapeng nakong e telele ho latela ka moo ho kgonehang ka teng?
b ho tsomana le menyetla e tla ntshetsa pele bokgoni ba hae ka ho phethahala c ho fola molemo wa tlhokomelo ya lelapa le ya setjhaba ha mmoho le ho fumana tshireletso ho latela mokgwa o latelwang ke setjhaba wa tsela ya botjhaba.
i mananeo a thibelo le kgothaletso, a netefatsang hore leqheku le phela ka boikemelo setjhabeng seo leqheku lena le dulang hara sona; le ii tlhokomelo ya lapeng, e netefatsang hore leqheku le fokolang le fumana tlhokomelo e loketseng kahare ho setjhaba ka lethathama le batsi la ditshebeletso tse kopanetsweng.
b le ka tsepamisa ka moo motho e mong le e mong ya tsamaisang lenaneo leo ho buuwang ka lona serapeng sa a a ka tshehetswang ka teng, ka ditjhelete kapa ka mokgwa o mong.
Mananeo ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 1 ke mananeo a reretsweng?
j tlhokomelo e kopantsweng ya setjhaba le mekgwa ya ntshetsopele ya maqheku; le k mananeo a kopantsweng meloko.
Mananeo a tlhokomelo ya malapeng a reretsweng maqheku a fokolang kahare ho setjhaba a kenyeletsa?
e taba ya ho fana ka lesedi, thuto le thuso ya keletso ya ba lelapa, bahlokomedi le setjhaba mabapi le maemo a ho tsofala le ho kula ho tsamaelanang le boqheku; le f taba ya hore ho fanwe ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mahala maqhekung a fokolang le maqhekung a mang ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng.
Ha ho motho ya tla fana ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso ntle le ha tshebeletso e jwalo e ngodisitswe ho latela karolo ya 13.
Motho ya fanang ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso ya tshehetso ya sa ngodiswang ho latela karolo ya 13 o molato hobane o tlotse molao.
Motho ofe kapa ofe ya lakatsang ho fana ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso ya tshehetso o lokela ho etsa kopo ho Molaodi Kakaretso ho ngodisa tshebeletso eo e jwalo.
Letona le lokela ho tsepamisa dipehelo tsa ngodiso ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso tsa tshehetso, ho kenyeletswa kopo ya ngodiso, kamohelo ya ngodiso, ngodiso ya nakwana, ho fediswa le ho kgaotswa ha ngodiso, le ntlha efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 4.
Ngodiso eo ho fanweng ka yona ho latela karolo ena e keke ya fetisetswa ho motho e mong.
b tsebisa maqheku a amehang ka morero wa hae wa ho kgaotsa tshebeletso; le c ho nka mehato e utlwahalang ho etsa bonnete ba hore maqheku a unang molemo tshebeletsong ena a seke a behwa ka mosing kapa a iphumana a setse powaneng mme moo ho lokelang, a fetisetswe ho motho e mong ya nehelenang ka tshebeletso e jwalo.
Motho e mong le e mong ya nehelanang ka tlhokomelo e thehilweng malapeng o lokela ho netefatsa hore bahlokomedi ba fumana thupelo e kgothaletswang.
Basebetsi bohle ba tsa thekolohelo le ba fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho maqheku bao ho buuwang ka bona karolwaneng ya 1 ba lokela ho ngodiswa lekgotleng la molao le loketseng le ikarabelang tshebetsong e loketseng.
a Letona le lokela ho ngodisa bahlokomedi bohle ba fanang ka tlhokomelo ya lapeng le ho tsepamisa khoutu ya boitshwaro ya bahlokomedi ba jwalo.
c Serapa a ha se amane le basebetsi ba thekolohelo le ba fanang ka tlhokomelo ya bophelo bao ho buuwang ka bona karolwaneng ya 2.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le temana ya karolo ena o molato hobane a tlotse molao.
Karolo ya 22 e sebetsa ka diphetoho tse hlokehang tse mabapi le tlhokomelo le tlhatlhobo ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng ha mmoho le ditshebeletso tsa tshehetso.
Leqheku le dulang sebakeng sa bodulo, ha mmoho le ditokelo tse ding tseo le nang le tsona, ho latela Bili ya ditokelo kapa ditokelo dife kapa dife tse ding tseo leqheku le ka bang le tsona, le na le tokelo ya?
i ho fuwa bonyane tsebiso ya matsatsi a 30 a ho tsamaiswa ho lohothwang kapa ho lokollwa.
h tshebeletso tsa tlhokomelo ya nakwana i thupelo ya bahlokomedi ba baithaopi ho sebetsana le maqheku a fokolang; le j dipapadi le mekgwa ya boithapollo.
Ho latela karolo ya 35, ha ho motho ofe kapa ofe ya ka bang le sebaka sa bodulo ntle le ha sebaka se jwalo se ngodisitswe tlasa karolo ena.
c Serapa sa a ha se ame sebaka sa bodulo se praevete seo leqheku le hlokometsweng ho sona ke ba lelapa.
Motho ya batlang ho ba le sebaka sa bodulo o lokela, hore ka mokgwa o tsepamisitsweng, a etse kopo ho Letona hore a ngodise sebaka seo.
a hana kopo ena kapa la fana ka tumello ho yona ho latela maemo ao le tla a tsepamisa, haeba Letona le dumella kopo e jwalo, le tla laela hore ho ntshwe setifikeiti sa ngodiso se qaqisang dipehelo tseo mme se fuwe motho ya entseng kopo foromong e tsepamisitsweng; kapa b ho latela maemo a jwalo a tla behwa ke yena, a ka fana ka tumello ho motho ya entseng kopo hore a tsamaise sebaka se jwalo sa bodulo nakong e itseng, e sa feteng dikgwedi tse 12, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa ka teng, mme le laele hore ho ntshuwe setifikeiti sa ngodiso sa nakwana se qaqisetsang motho ya entseng kopo dipehelo tseo foromong e behilweng ya nako eo, mme ka morao ho ba nako eo e boletsweng e fele, kapa ka morao ho ba tsebiso ya motho ya entseng kopo ka mokgwa o tsepamisitsweng hore dipehelo tse boletsweng di phethisitswe, ho tla tswa feela hore ke efe e tlang pele, e be kopo e boetse e lokollwa hape botjha.
Ngodiso ya nakwana eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 3 b ho ka etsahala hore e se ke ya lelefatswa ka nako e fetang dikgwedi tse 12 tlasa dipehelo tsona tse tshwanang le tsa pele.
Letona nakong efe kapa efe ka morao ho tsebiso ya kgwedi e le nngwe ya boikemisetso ba lona, le ka morao hoba le lekole boitelo bofe kapa bofe boo a bo amohetseng kgweding eo, le ka fetola kapa la fedisa setifikeiti sa ngodiso se ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a.
a Ho fetolwa kapa ho fediswa ha setifikeiti se jwalo sa ngodiso ho lokela hore ho tsamaiswe ka tsebiso e lebang ho motho ya nang le sebaka seo sa bodulo, mme tsebiso eo e sebetsa ho latela letsatsi le ngotsweng ho yona.
b letsatsi le ngotsweng tsebisong mona le keke la tla pele ho dikgwedi tse tharo tsa ngodiso ya setifikeiti sa moshwelella le kgwedi e le nngwe setifikeiting sa nakwana ka morao ho nako ya tsebiso, ntle le ha Letona ha mmoho le motsamaisi wa sebaka sa bodulo se nang le setifikeiti sa ngodiso ba dumellane ka tsela e nngwe.
Motho ya fuweng setifikeiti sa ngodiso ho latela karolwana ya 3 a keke a fetisetsa setifikeiti seo ho motho e mong.
Ha ngodiso ya sebaka sa bodulo e ile ya fediswa ho latela karolwana ya 5, kapa motsamaisi wa sebaka sena sa bodulo a lakatsa ho kwala sebaka sena sa bodulo ka lebaka lefe kapa lefe, o lokela ho latela mehato e itseng e utlwahalang ho netefatsa hore nakong eo sebaka sena se kwalwang ka yona, maqheku a amehang a fumana bodulo sebakeng se seng sa bodulo se ngodisitsweng kapa ba fumana bodulo ho batho ba nang le bokgoni le ba loketseng ho ka fana ka bodulo ho leqheku kapa maqheku, ho latela maikutlo a mosebetsi wa thekolohelo.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le dipallo tsa karolo ena, kapa dipehelo tse hlonngweng, o tla fumanwa a le molato ka tlolo ya molao.
Ha ho na le lebaka la ho dumela hore pallo efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolong ya 18 ha e a phethwa, letona le ka laela hore ho nkwe mehato e ikgethang ho etsa hore ho be le boikamahanyo le dipallo tse jwalo.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo se ngodisitsweng o tlameha, ka dinako tsohle tse utlwahalang, ho tlalehela Letona ka maemo afe kapa afe a ka bakang hore a seke a kgona ho ikamanya ka ho phethahala le dipehelo dife kapa dife tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 183.
b ho nehelana ka tlaleho e phethahetseng ho Letona e mabapi le bodulo ba maqheku a amehang e hlokehang ho latela karolo ya 187; le c ho nehelana ka theepa yohle e rekilweng ka tjhelete ya Mmuso.
Motho ofe kapa ofe ya hlolehang ho ikamanya le karolwana ya 3 o tla ba molato ka tlolo ya molao.
Ha maqheku a fetang l0 a dula sebakeng sa bodulo, ntle le sebaka sa boitshireletso, komiti ya baahi e emelang ditabatabelo tsa baahi e lokela ho thehwa ke baahi bana ba mona.
c palo, le tsela e lokelang ho latelwa dikopanong tsa komiti ya baahi.
h le ho etsa tsohle tse loketseng kapa tse tla potlakisa tshebetso e sebetsang hantle ya sebaka sena sa bodulo.
Ha ho motho ya loketseng ho kgetholla ka tsela e nang le leeme le ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang leqheku le kopang ho amohelwa sebakeng sa bodulo ka lebaka kapa mabaka ao ho buuweng ka ona karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Ha motho ya tla hanelwa ho fumana kamohelo sebakeng sa bodulo, motsamaisi wa sebaka seo sa bodulo o tlameha, ka kopo ya motho enwa, ho fana ka mabaka a ngotsweng a ho hanela motho enwa ka bodulo.
a Ha ho leqheku leo ho ka etsahalang hore le amohelwe sebakeng sa bodulo ntle le tumello ya lona, ntle le moo kelello ya lona e sa mo feng bokgoni bo jwalo ba ho fana ka tumello ya hae, mme moo ho leng jwalo motho ya fuweng matla a ho fana ka tumello e jwalo ho latela molao ofe kapa ofe ka taelo ya lekgotla la dinyewe a ka nehelana ka tumello e hlokehang.
b Bosiyong ba motho eo ho buuweng ka yena i serapeng sa a, tumello e hlokehang e ka tswa ho mohatsa kapa molekane wa leqheku le amehang kapa, bosiyong ba mohatsae kapa molekane, ngwana e moholo kapa ngwana wabo, ka tatellano e qaqisitsweng lenaneng; kapa ii serapeng sa a kapa seratswaneng sa i, tumello e hlokehang e ka nna ya tswa ho Letona.
cTumello eo ho buuwang ka yona serapeng sa bi kapa sa ii e ka tswa feela ka morao hoba ngaka e ngodisitsweng ho latela Molao wa Basebetsi ba Profeshene ya Bophelo bo botle wa 1974 Molao wa nomoro ya 56 wa selemo sa 1974, e tiise hore tieho efe kapa efe kamohelong ya leqheku e ka nna ya tswala lefu kapa kotsi e sa tlo kgona ho boela e lokiswa bophelong ba leqheku.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo o lokela hore a latele mehato e utlwahalang ho fumana tumello ya leqheku.
Ntle le ho qhelela thoko karolwana ya 3, leqheku le kgonang ho utlwisisa le tlameha ho tsebiswa ka kamohelo e rerilweng ekasitana le ha kelello ya hae e mo hlokisa bokgoni ba ho fana ka tumello ho latela karolwana eo.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo moo ho amohetsweng leqheku ka lebaka la tumello eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolwana ya 3b o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso ka kamohelo eo nakong ya dihora tse 48 ka morao ho kamohelo eo.
Ha ho se ho amohetswe tsebiso eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 6, Molaodi Kakaretso a ka nna a theha moifo oo wa makala a fapafapaneng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng ho hlahloba le ho tiisa kapa ho qhelela thoko kamohelo e hopotsweng karolwaneng eo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang karolo ena o molato ka tlolo ya molao.
e a nehelane ka tlaleho ho Molaodi Kakaretso ka sephetho sa tlhatlhobo; le f ho nehelana ka tlaleho ya diphuputso tsa hae ho motsamaisi wa sebaka sa bodulo.
Mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fuweng matla afe kapa afe ho latela karolwana ya 1 o lokela, hore ka kopo ya motsamaisi wa sebaka sa bodulo kapa motho ya laolang sebaka seo se jwalo, ho ya ka moo ho leng ka teng, a hlahise setifikeiti se tswang ho Molaodi Kakaretso se hlalosang hore ke mosebesi wa thekolohelo kapa ke motho eo ya tshwaetsweng ho etsa mosebetsi.
Mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng ho etsa mosebetsi o jwalo a ka nna a fana ka tsebiso ya boikamahanyo ho motsamaisi ya amehang haeba temana e itseng ya Molao ona e sa phethiswa.
Tsebiso ya boikamahanyo e dula e sebetsa ho fihlela temana e loketseng ya Molao e phethisitswe mme mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng mosebetsi o jwalo a hlahisitse setifikeiti sa boikamahanyo ho latela tsebiso ena.
b a hanela mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng mosebetsi ona ho kena sebakeng sa moo leqheku le hlokometsweng teng kapa le fuweng bodulo teng sebakeng sa bodulo seo ho buuwang ka sona ho 1; kapa c a hana kapa hloleha ho ikamahanya le taelo ho latela karolwana ya 1d.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo se ngodisitsweng o lokela hore matsatsing a 60 ka morao ho mafelo a selemo sa ditjhelete sa sebaka seo sa bodulo a nehelane ka tlaleho ho Letona e akaretsang selemo seo sa ditjhelete ho latela?
i maemo a behilweng a tshebeletso; le ii mehato e behilweng ho thibela le ho etsa hore ho seke ha e ba le tlhekefetso ya maqheku; le b ditemana tsa boemo ba ditumellano tsa tshebeletso e behilweng tse ileng tsa fihlellwa nakong ya selemo sa ditjhelete.
a fana ka tsebiso ho motsamaisi ya jwalo hore haeba a sa nehelane ka tlaleho eo matsatsing a 90 ka morao ho letsatsi la tsebiso, ngodiso ya sebaka sena e tla hulwa; mme b ha tlaleho e jwalo e sa finyelle nakong ya matsatsi a 90 ka morao ho letsatsi leo ho fanweng ka tsebiso ka lona ho latela serapa sa a, ho tla hulwa ngodiso eo ka morao hoba ho nehelanwe ka tsebiso ya kgwedi ya boikemisetso bo jwalo.
Temana tsa Molao ona ha di a lokela hore di nkwe di seha moedi o itseng, di fetola, di hlakola kapa di beha ka mokgwa o mong temana efe kapa efe ya Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng wa selemo sa 1998 (Molao wa Nomoro ya 116 wa 1998), kapa hona ho tshwasolla motho ofe kapa ofe boikarabelong kapa boitlamong bo qobellwang ke Molao kapa ho thibela motho ofe kapa ofe hore a seke a ikamahanya le temana efe kapa efe ya Molao oo.
Motho ofe kapa ofe ya amanang le leqheku boemong ba tshebetso le eo ka tjhadimo eo e leng ya hae a etsang qeto ya hore leqheku le hloka tlhokomelo le tshireletso o lokela ho tlaleha qeto eo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ntle le motho eo ho buuweng ka yena karolwaneng ya 1 ya nang le maikutlo a hore leqheku le hloka tlhokomelo le tshireletso a ka tlaleha maikutlo a hae ho mosebetsi wa thekolohelo.
Molaodi Kakaretso kapa mosebetsi wa thekolohelo eo tlaleho ena e etswang ho yena o lokela ho fuputsa taba ena.
c ho nka mehato e meng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng ho netefatsa hore ho na le ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya leqheku le amehang; kapa d hore haeba leqheku le amehang e le phofu ya tlolo ya molao, a thuse leqheku ho bona sepolesa hore a tlalehe sena.
g le dulang kapa le pepesehileng maemong a ka etsang hore a tswe kotsi mmeleng kapa kelellong; kapa h le sotlehileng mmeleng, kelellong kapa bophelong ba lona.
motho ofe kapa ofe ya belaelang hore leqheku le hlekefeditswe kapa le tswile kotsi ka lebaka la tlhekefetso o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso kapa sepolesa ka sena seo a se belaellang.
Motho ha a jare boikarabelo ho latela tsebiso efe kapa efe e entsweng ka maikutlo a matle ho latela karolwana ya 1.
Motho ya hlolehang ho ikamahanya le karolwana ya 1 o molato ka ho tlola molao.
a Molaodi Kakaretso o lokela ho fuputsa taba ena mme haeba pelaelo e netefatswa ke diphuputso, ho tla sebetsa karolo ya 254; mme b Sepolesa se lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso ka tlhekefetso e bolelwang kapa haeba a kgotsofetse hore sena se molemong wa leqheku, hore motlodi eo wa molao a tloswe lelapeng leo kapa sebakeng seo sa moo leqheku le dulang teng, a sebetse ho latela karolo ya 27.
c 5 Karolwana ya 4a e sebetsa ka diphetoho tse hlokeng haeba Molaodi Kakaretso a fumana lesedi le lehothwang karolwaneng ya 4b.
d e nang le setifikeiti se iswang ke lepolesa le bopaki ba hore tsebiso ya mantlha e ngotsweng e fuwe motlodi ya bolediswang wa molao le hore lepolesa le hlaloseditse motlodi enwa wa molao bohlokwa ba tokomane ena.
Lepolesa ho tloha mona le lokela ho romela khopi ya lengolo la tsebiso ya mantlha ho tlelereke ya lekgotla la mmaseterata le amehang.
Ho hlahiswa feela ha khopi ya lengolo la mantlha lekgotleng la mmaseterata eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2 ke bopaki bo botle ba hore ho ntshitswe tokomane ya mantlha mme e fetisetswa ho motlodi ya bolediswang.
Karolo ya 55 ya Molao wa Mohato wa Tlolo ya Molao wa 1977 Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977 e sebetsa mona, ka diphetoho tse hlokehang, tsebisong e ngotsweng e fuweng motlodi wa molao ho latela karolwana ya 1.
Lekgotla la mmaseterata leo ho lona motlodi ya bolediswang wa molao a ngoletsweng tsebiso ho latela karolwana ya 1 le leo a tla hlaha nyeweng ka lona, le ka fuputsa hang feela maemo a entseng hore ho ntshuwe tsebiso ena.
c laela hore motlodi ya bolediswang wa molao a amohele boikarabelo ba tlhokomelo ya lelapa la hae nakong ena eo ho buuwang ka yona mona serapeng sa a; kapa d etsa hore ho be le taelo e nngwe e mabapi le taba ena ho latela ka moo lekgotla le boneng ho tshwanela ka teng.
Tshebediso e fosahetseng ya matla eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1 ke sepolesa e fana ka mabaka a nyewe ya kgalemo e lohothwang karolong ya 40 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa Molao wa nomoro ya 68 wa selemo sa 1995, mabapi le lepolesa le jwalo.
c a tlola molao kapa a hloleha ho ikamahanya le taelo ya lekgotla la mmaseterata e ntshitsweng ho latela karolwana ya 6 kapa ka pehelo efe kapa efe e moo taelong e jwalo.
Ha mosebetsi wa thekolohelo kapa ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle a nehelana kapa a etsa tlhaloso e ngotsweng tlasa kano kapa ka tiiso ka pele ho motjhotjhisi wa setjhaba, mme tlhalosong e jwalo ho bolediswa hore motho ofe kapa ofe sebakeng sena se taolong ya lekgotla la mmaseterata moo motjhotjhisi wa setjhaba a leng teng, o hlekefetsa leqheku, motjhotjhisi wa setjhaba ho latela karolwana ya a ka kopa tlelereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha lengolo la qoso le tsebisang motho ya jwalo ya boletsweng pele ka qoso e mo tobileng le ho mmitsa ho tla hlaha ka pele ho sebaka sa lekgotla la mmaseterata ka nako e qaqisitsweng.
Motjhotjhisi wa setjhaba ho latela karolwana ya 1 a keke a kopa tlelereke ya lekgotla ho ntsha lengolo la qoso ntle le ha a ile a fumana tlaleho ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle e mabapi le tlhekefetso e bolediswang ya leqheku le amehang.
haeba ho latela mabaka a tlhaloso ena e entsweng ka tlasa kano kapa tiiso eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1 mmaseterata o na le lebaka la ho belaela hore mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle o tla thibelwa kapa ho sitiswa ho ya kapa ho kena sebakeng sa moo leqheku le amehang le dulang teng ho ya etsa diphuputso tse hlokehang ka mabaka a tlaleho eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2, kapa haeba mosebetsi ya jwalo wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle a ile a thibelwa kapa asitiswa ho etsa mosebetsi wa hae, mmaseterata ya amehang ka kopo ya motjhotjhisi wa setjhaba a ka ntsha lengolo le fang matla mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho kena sebakeng sena le ho etsa diphuputso tse jwalo.
Mmaseterata lengolong lena la taelo leo a le ntshang ho latela karolwana ya 3 a ka fana ka matla ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho tsamaya le lepolesa ka mabaka a ho ya etsa diphuputso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng e boletsweng.
) Molao wa Mohato wa Tlolo ya Molao wa 1977 (Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977, o tla sebetsa, ka diphetoho tse hlokehang mabapi le sebopeho le mokgwa wa tshebeletso wa diqoso dinyeweng tsa tlolo ya molao makgotleng a tlase, nako e lokelang ho dumellwa motho ya qositsweng hore a hlahe ka pele ho lekgotla, le mokgwa oo baqosuwa ba lokelang ho hlahela ka pele ho lekgotla ka ona ke ntho eo ho ka sebetsanwang le yona haeba ba hloleha ho hlahela kapa hore ba dule ba le teng, jwalo ka ha ho hlokeha ho latela mangolo a diqoso a ntshitsweng ho latela karolo ena.
a a sitisa kapa a thibela mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya nehelanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle tshebetsong ya hae ya ho phetha mosebetsi ho latela karolo ena; kapa b a hana ho fana ka lesedi lefe kapa lefe leo a nang le lona ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya nehelanang ka tlhokomelo ya tsa bophelo bo botle mabapi le tlhekefetso ya leqheku e leng lesedi le hlokehang ka mabaka a diphuputso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 3.
Ho latela karolo ena, mmaseterata eo motho e mong le e mong a tlisitsweng ho yena ho latela karolo ya 28 o lokela ho fuputsa nepahalo kapa diqoso tse bolediswang lengolong la qoso le bolelwang.
motjhotjhisi wa setjhaba kapa motho ofe kapa ofe ya tshwauweng ke mmaseterata bakeng sa morero ona o tlameha ho ba teng diphuputsong mme a ka bitsa dipaki mme a botsisisa paki efe kapa efe e fanang ka bopaki diphuputsong tsena.
Motho eo ya qoswang a ka fana ka bopaki mme yena kapa moemedi wa hae wa malao ba ka hloma dipotso paki efe kapa efe e bitsitsweng ho latela karolwana ya 2 mme a ka bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla wa ho fana ka mabaka a hore ke hobaneng ho sa lokela hore ho ntshuwe taelo tlasa karolwana ya 10.
Ho latela ntho efe kapa efe e sa kgemeng le sena e fuperweng ke Molao ona, molao o amanang le dipatlisiso tsa ditlolo tsa molao makgotleng a mmaseterata o sebetsa ha mmoho le diphetoho tse hlokehang mabapi le mangolo a pitso ya ho tla lekgotleng la dinyewe, ho bitswa ha dipaki le ditlhatlhobo ka mabaka kapa sebakeng sa diphuputso, taba ya ho bokella bopaki le ho hlahisa ditokomane ha mmoho le diathekele tse ding tsa moo, le tefo ya ditlhapiso tsa dipaki.
Mmaseterata ya tshwereng diphuputso a ka tsepamisa hore naa nyewe e tshwarwe kapa tjhe lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le kwaletsweng setjhaba.
karolo ya 1591 ya Molao wa Mohato wa tlolo ya Molao wa 1977 Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977, ho ya ka moo o amanang le tsamaiso ya nyewe ya tlolo ya molao bosiyong ba moqosuwa, e sebetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le diphuputso tse tshwarwang ho latela karolo ena.
Karolo ya 108 ya Molao wa Lekgotla la Mmaseterata wa 1944 Molao wa nomoro ya 32 wa 1944 o sebetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le nyewe dife kapa dife tse mabapi le diphuputso tse tshwerweng ho latela karolo ena.
Tlaleho eo ho buuwang ka yona karolong ya 282 e lokela hore e fuwe mmaseterata ya tshwereng diphuputso, ya ka laelang ngaka ya setereke, ngaka ya mahloko a kelello kapa ya mahloko a bongaka ba kelello ho hlahloba leqheku le amehang le ho fana ka tlaleho ho mmaseterata mabapi le sephetho sa tse fumanehileng.
Dikahare tsa tlaleho ena eo ho nehelanweng ka yona kapa eo ho fanweng ka yona ho latela karolwana ya 8 e lokela ho tsebiswa motho eo ho nang le diqoso tse etswang ka yena, mme haeba a rata, leqwetha la hae le lokela ho fumana sebaka sa ho hlaba dipotso motho ya entseng tlaleho eo, mabapi le ntlha efe kapa efe e tswang tlalehong ena, le ho hanyetsa diqoso tse kahare ho yona.
Haeba, ka morao ho tebisa maikutlo bopaking bona le mabapi le tlaleho efe kapa efe eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolwana ya 8, ho hlahela ho mmaseterata hore diqoso dife kapa dife tse lengolong la qoso di nepahetse, mmaseterata a ka?
a fana ka matla ho motho ya amehang hore a fane ka bodulo kapa a hlokomele leqheku tlasa dipehelo tseo mmaseterata a tla di qobella; kapa b thibela hore motho eo a fane ka bodulo kapa tlhokomelo ho leqheku lefe kapa lefe bakeng sa nako e jwalo, empa eseng e fetang dilemo tse 10, ho latela ka moo mmaseterata a tla tsepamisa ditaba ka teng.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamahanya le dipehelo dife kapa dife tse tsepamisitsweng ho latela karolwana ya 10a kapa ya tlolang kapa ya hlolehang ho ikamahanya le karolwana ya 10b o molato ka tlolo ya molao.
Thibelo ya tlhekefetso ya leqheku le mehato e ikgethang ya thibela tlhekefetso ya leqheku.
Motho e mong le e mong ya hlekefetsang motho wa leqheku o molato ka tlolo ya molao.
Boitshwaro bofe kapa bofe kapa tlhokeho ya mohato o loketseng, bo etsahalang nakong ya kamano efe kapa efe moo ho nang le tebello ya tshepahalo, bo tlisang tshenyo kapa ho sibathela ha maikutlo kapa bo nang le monyetla wa ho ntsha kotsi kapa ho tetebetsa leqheku bo nkwa e le tlhekefetso ya leqheku.
Ka mabaka a karolwana ena ya 2, tlhekefetso e kenyeletsa tlhekefetso ya mmeleng, tlhekefetso ho tsa thobalano, tlhekefetso ya kelellong le moruong mme?
a tlhekefetso ya mmeleng?
b tlhekefetso ho tsa thobalano?
c tlhekefetso ya kelellong e bolela tsela efe kapa efe e theolang kapa ya boitshwaro bo nyedisang leqheku, ho kenyeletswa le?
d tlhekefetso ya moruo e bolela?
ho hlokisa leqheku ka tsela e hlokang boikarabelo mehlodi ya hae ya moruo kapa ya ditjhelete eo leqheku le e hlokang; kapa iii ho tlosa dintho tsa lelapa kapa theepa e nngwe eo e leng ya leqheku ntle le tumello ya leqheku ka bolona.
Ha lekgotla la dinyewe, ka morao hoba le ahlolele motho tlolo efe kapa efe ya molao, le fumana hore motho ya ahlotsweng o hlekefeditse leqheku nakong ya tlolo eo ya molao, phumano e jwalo e lokela ho nkwa e le maemo a feteletsang ebile a totisa le ho eketsa matla a mabaka a kahlolo.
Letona ka mokgwa o tsepamisitsweng le lokela ho boloka rejistara ya batho ba ahlotsweng ka lebaka la ho hlekefetsa maqheku kapa ba ahloletsweng tlolo efe kapa efe e lohothwang mona karolong ya 30.
Motho eo lebitso la hae le hlahang bukeng ena ya diketsahalo tsena tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1 ha ho na hore ka tsela efe kapa efe a ka?
b fana ka tlhokomelo ya mofuta ofe kapa ofe ya setjhaba le tshebeletso ya tshehetso ya maqheku.
Letona le ka?
a nehela mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha matla afe kapa afe ao Letona le nang le ona ho latela Molao ona, ntle le matla a ho etsa melao; le ho b fa mohlanka ya jwalo matla a ho sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Letona ke Molao ona.
Letona ka tumellano le Tonakgolo wa provense?
a le ka nehelana ka matla ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense se ikarabellang ntshetsopeleng ya setjhaba e leng matla afe kapa afe a fuweng Letona ho latela Molao ona, ntle le matla a ho etsa melao; le b ho fana ka matla ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Letona ho latela Molao ona.
b a ka fana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ya jwalo ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo setho se fuweng matla a ho o sebetsa ho latela karolwana ya 2.
a nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha e leng matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona; le b ho nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ya jwalo ho sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso ya loketseng wa tsamaiso ya provense a ka?
b nehelana ka matla ho Hlooho ya Lefapha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona.
a nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe e mong wa tsamaiso ya provense e amehang e leng matla afe kapa afe ao a fuweng ho latela karolwana ena ya 5; le b nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo a fuweng matla a ho sebetsa ho latela karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya nehetsweng matla kapa ya fuweng matla a ho etsa mosebetsi ho latela karolo ena o tlameha ho sebedisa matla ao kapa ho etsa mosebetsi oo ho latela dipehelano tse jwalo ka ha motho ya nehelaneng ka matla kapa ya faneng ka tumello e jwalo a hloka hore ho etsahale?
b a se ke a thibela motho ya nehelaneng ka thomo kapa ya faneng ka tumello hore a phethahatse matla kapa a etse mosebetsi oo ka boyena; le c hore neng kapa neng matla ana a ka kgutliswa ka lengolo ke motho eo.
Motho ofe kapa ofe ya ahlotsweng ka lebaka la ho tlola molao ho latela?
a karolo ya 122, 144, 188, 194, 225a, b or c or 286a kapa b o tlameha ho lefiswa kapa ho hlahlelwa tjhankaneng nakong e sa feteng selemo se le seng; kapa b karolo ya 218, 263, 278a kapa b, 2911 kapa 301 o lokela ho lefiswa kapa ho hlahlelwa tjhankaneng nakong e sa feteng dilemo tse hlano, kapa a ahlolelwe tsona ka bobedi e leng tefiso le ho hlahlelwa tjhankaneng.
Letona le ka etsa melawana e mabapi le?
k poloko ya direjistara ho latela karolo ya 31; le l ka kakaretso, ntlha efe kapa efe e nngwe ya tlatsetso kapa ya tsamaiso e etsahetseng ka sewelo kapa ntlha ya tsamaiso e hlokang hore e tsepamiswe bakeng sa phethahatso e nepahetseng ya Molao.
Melawana e ka fana ka hore motho ofe kapa ofe ya tlolang molawana kapa ya hlolehang ho ikamahanya le ona, o molato ka tlolo ya molao le hore o lokelwa ke kahlolo ya tefiso ya tjhelete kapa ho hlola tjhankaneng nakong e sa feteng selemo kapa a fumane kahlolo tseo ka bobedi, e leng ya tefiso le ya ho hlahlelwa tjhankaneng.
Molawana ofe kapa ofe ho e entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa o lokela ho etswa ka morao ho ditherisano ke Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o etswang ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditjhelete tsa dithuso ha mmoho le ditlhoko tse lokelang ho kgotsofatswa tsa ditshebeletso di lokela ho etswa ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Letona le lokela ho nehelana ka moralo wa melawana e lohothwang karolwaneng ya 5 Palamenteng le ho fumana maikutlo ho latela karolwana eo pele ho phatlalatso ya qetelo.
Letona, haeba maemo a hloka phatlalatso ya molawana ka potlako, le ka phatlalatsa molawana oo ntle le ditherisano jwalo ka ha ho bolelwa karolwaneng ya 5.
Molao wa Maqheku wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967), le Molao wa Maqheku o fetotsweng wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 100 wa selemo sa 1998), mona e a hlakolwa.
Molao wa Maqheku wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967), hang pele Molao ona o sebetsa, nakong ya dikgwedi tse 12 tsa letsatsi leo Molao ona o qadileng ho sebetsa ka lona o lokela ho etsa kopo ya ngodiso ho latela karolo ya 18 ya Molao ona.
Lehae la maqheku leo ho buuwang ka lona karolwaneng ya 2 le dula le ngodisitswe ho latela Molao wa Maqheku wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967, ho fihlela Letona le dumella kapa le hanela kopo e lohothwang karolong ya 18 ya Molao ona.
Motsamaisi ofe kapa ofe ya amohelang tjhelete ya thuso ho latela karolo ya 2 ya Molao wa Maqheku wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967, hang feela pele Molao ona o qala ho sebetsa o tla tswela pele ho fumana thuso e jwalo ya ditjhelete nakong ya dikgwedi tse 12 ka morao ho letsatsi leo Molao ona o qadileng ho sebetsa ka lona.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e nkwang e lokela hore e be e etsahetse ho latela temana efe kapa efe ya molao o hlakotsweng ke karolwana ya 1 le e ka etswang kapa e lokelang hore e be e entswe ho latela Molao ona, e lokela ho nkwa e entswe ho latela temana e nyalanang le moo ya Molao ona.
Molao ona o bitswa hore ke Molao wa Maqheku wa 2006, mme o qala ho sebetsa ka letsatsi le tla tsepamiswa ke Mopresidente ka kgweletso Koranteng ya Mmuso.
Nako ya kgolo ke nako eo nyehelo ya motho setjhabeng e lokelang ho ananelwa ka yona le ho re ho tshabanwe le yona haholo. Ditjhabeng tse futsanehileng maqheku a na le seabo sa bohlokwa malapeng mme ke bona bahlokomedi ba bana, ba batho ba holofetseng le batho ba anngweng le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e batla ho boloka le ho eketsa bokgoni ba maqheku ba ho itlhokomela le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba ba bang.
Maikemisetso a maholo a Bili ena ke?
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa bodulo ba maqheku; le d ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
Komiti ya Potfoliyo ya Ntshetsopele ya Setjhaba e ile ya tshwara diboka tsa tshebetso/diwekeshopo mabapi le dipehelo tsa Bili ena ka Palamenteng, Komiting e Hlwauweng ya Ntshetsopele ya Setjhaba Lekgotleng la Naha la Diprovense, mekgatlong ya naha ha mmoho le makgotleng ekasitana le mafapheng a diprovense a ikarabellang ntshetsopeleng ya setjhaba. Mafapha a mangata a naha a ile a kenela diboka tsena tsa tshebetso/diwekeshopo, a akgang kahare Lefapha la Dipalangwang, la Polokeho le Tshireletso, la Bophelo bo botle, la Ditaba tsa Lehae le la Ditaba tsa Metsi le Meru, mme a ile a nyehela haholo tabeng ena hoo nyehelo ya bona e ileng ya tswala moralo wa Bili ena.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola tshusumetso tsa ditjhelete tse fuperweng ke Bili ena, mme monyetla wa ditekanyetso tsa ditjhelete o tla etswa ka Moralo wa Tshebetso wa Ditshenyehelo tsa Nako e Bohareng.
Ho kgethilwe moeletsi hore a lekole taba ya ditjeho tse qalang tsa Bili ena ka maikutlo a hore a fumane tshusumetso ya ditjhelete ya mafapha a mmuso kaofela ha mmoho le tshusumetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete mabapi le Bili ena e lohothwang, a nketse hloohong tse latelang?
ditjeho tsa tsamaiso le ntho tse bakang ditjeho (mohlala, tshebetso tsa keketso, moifo wa tshebetso, ditlwaelo tsa tsamaiso le mehato e latelwang, lesedi le tsela ya tlaleho); le ditlhophiso tsa institjhushene (mohlala, Dikomiti tse ntjha, Makala, Mekgatlo) nehelano kapa kabelano ya mosebetsi diprovenseng kapa pusong ya selehae.
Tlaleho e mabapi le sephetho e fumaneha Lefapheng.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ka ho kgema le sena le kene mosebetsing wa tshebetso e batsi ya ho bala ditshenyehelo tsa Bili tse reretsweng?
ho utlwisisa le ho hlopholla ditekanyetso tse phethahetseng tsa ditjhelete le tshusumetso tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Bili ena.
Motheo wa ngodiso ya batho ba sa kgoneng ho ka nehelana ka tlhokomelo ya maqheku; le tshusumetso tsa ditjhelete kahare ho mafapha.
Boikarabelo bo amanang le tshwaro ya dipatlisiso.
tse arabelang diqeto tse entsweng ka tlhompho ya maqheku a hlokang tlhokomelo le tshireletso.
Baeletsi ba Molao ba Mmuso le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sebetswa ho latela mohato o thehilweng ho latela karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo hobane e wela sebakeng sa tshebetso se hlahang Moralong wa 4 wa Molao wa Motheo, e leng wa Tshebeletso tsa Thekolohelo?
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI YA SELEMO SA (1).txt</fn>
Ho fedisa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa (South African Housing Trust Limited); ho fetisetsa ditokelo le maruo a Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ho Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha (National Housing Finance Corporation); ho dihela boikarabelo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ho Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa; le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
KA HOO HO ENTSWA MOLAO ke Palamente ya Riphabiliki ya Afrika Borwa ka mokgwa o latelang:?
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong?
Molao wa Khampani?
letsatsi la tshebetso?
selemo sa ditjhelete?
Letona le bolela Letona la Matlo?
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso Khampani e ke ke ya hlola e sa ba teng jwalo ka khampani ho latela molao wa Dikhampani mme ka sepheo sa Molao oo e lokela hore e be e phethetse mesebetsi yohle ya yona.
Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha dibukeng tsa hae ngodiso ya Khampani ena jwalo ka khampani ho latela Molao wa Dikhampani ho tloha mohla letsatsi la tshebetso.
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso?
b boitlamo le melato kaofela ya Khampani e tla wela tlasa boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa naha wa mmuso, Mmuso o tlameha ho phetha boitlamo le boikarabelo ba melato matsatsing a tsepamisitsweng hore melato e lefuwe ka ona; mme c balaodi ba Khampani ba beha meja fatshe jwalo ka balaodi ba Khampani ka ho ya ka tumellano e mahareng a balaodi le Mmuso.
Tefo efe kapa efe eo Mmuso o e etsang nakong ya selemo sa ditjhelete se qalang ka la 1 Mmesa 2002 ka morero wa ho phetha boitlamo kapa ho lefella melato e boletsweng karolong ya 3(b) e lokela hore e be ditshenyehelo tse otlolohileng tse ntshuwang Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha ho fihlela ditefello tseo di se di sa kgone ho ba teng matloleng a loketseng tlasa Voutu ya Matlo tlasa Molao wa Kabo o tshwanetseng.
Tefello efe kapa efe ya phaello le tefo ya boitlamo le melato efe kapa efe dilemong tse latelang tsa ditjhelete e tla ba tefiso e otlolohileng ho tswa Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha jwalo ka ha e ka ke ditefello tsa dikadimo jwalo ho ya ka karolo ya 73 ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 Molao wa Nomoro ya 1 wa 1999.
Molao ona o bitswa Molao wa Phediso ya Teresete ya Matlo ya Afrika Borwa, 2002.
Ho latela dipuisano dipakeng tsa Mmuso le kgwebo ya poraefete nakong ya selemo sa 1986 ho ile ha dumellanwa hore ho hlongwe morero o kopanetsweng kantle ho Mmuso ka sepheo sa ho theha menyetla ya mosebetsi ka tsela ya ho etsa menyetla le ho nehelana ka tjhelete bakeng sa matlo a tobisitsweng karolong ya baahi ba Afrika Borwa ba amohelang tjhelete e tlase.
Ho kgothaletsa le ho etsa monyetla wa ho nehelana ka matlo a kgonehang le ho fumana tokelo e itseng ya tokelo ya thuo ya theepa bathong ba amohelang tjhelete e tlase Afrika Borwa ka mokgwa o tla etsa hore ho phahamiswe tshireletso ya mosebetsi.?
Ho tloha haesale khampani ena e hlongwa kgwebo ya yona e nnile ya tswella ho feta maemong a fapafapaneng. Maemo ana a bontsha tshusumetso le ntlafatso e entsweng ya ho beha khampani boemong bo botle mabapi le diphetoho tse teng tikolohong e kantle ya nako le nako. Makala a thuo e phethahetseng ya khampani a ile a hlomamiswa, ka mabitso e leng, Nu-way Housing Developments (Pty) Limited le Khayalethu Home Loans (Pty) Limited eleng tsona tse ileng tsa tshwara kgwebo ya ntshetsopele ya theepa le khampani ya kgwebo ya kadimo ya matlo ka ho fapana.
Tshimolohong ya tshebetso khampani e ile ya nehelana ka diabo tse tlwaelehileng tse 10 000 tsa boleng bo lekanang ba R1, 00 seabo ka nngwe mekgatlong e fapafapaneng. Nakong yona eo Mmuso o ile wa nehelana ka monyetla wa kadimo e hlokang tswala ya tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 445 ho khampani mme wa tiisa le hore o tla fana ka tiiso dikadimong tse tla fumanwa kgwebong tsa poraefete ho fihlela ho dimilione tsa diranta tse 890. Selemong sa ditjhelete sa 1992/1993 Mmuso o ile wa fana ka tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 40 e sa lokelang hore e kgutliswe ho khampani. Selemong sa ditjhelete sa 1993/1994 akhaonte ya Mmuso ya kadimo e hlokang tswala ya dimilione tsa diranta tse 445 e ile ya fetolelwa tjhelete ya seabo e le ho leka ho ntlafatsa morero wa ditjhelete le dikadimo wa khampani. Morero ona wa ditjhelete o ile wa ba le tshusumetso ya ntlafatso ya moralo wa ditjhelete wa khampani le ho rotetsa khampani ka mokgwa o nepahetseng e le ho hodisa kgwebo ya yona haholo.
Tieho le phaello e tlase ha mmoho le taba ya ho boikhota tefello ya matlo ke batho ba ruileng matlo, ke dintho tse ileng tsa sitisa kgolo ya khampani haholo mme khampani e ile ya ba le tahlehelo tse kgolo selemo se seng le se seng ho tloha ka selemo sa 1995 ho isa ho sa 1998. Mmuso le batsamaisi ba khampani ba ile ba fihlela qetong ya hore monyetla wa khampani wa hore e kgone ho sebetsa hore e monyohe mathateng a yona e batla e le hojana mme tshebetso ya khampani e lokela ho ralwa hape botjha. Mmuso o ile wa ananela taba ya hore khampani e boele e ralwe botjha nakong ya kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 1998 mme Mmuso o ile wa dumela hore o tla hlompha ditiiso tsohle tseo e neng e ile wa fana ka tsona mme o ile wa dumela hore makala a kgwebo a khampani (Nu-way le Khayalethu) a rekiswe ka ditheko tse ntle tse ka fumanehang mme tjhelete ya phaello e ka fumaneng thekisong eo e sebedisetswe ho lefa melato ya khampani.
Nakong ya selemo sa 1999 le sa 2000 khampani e ile ya rekisa Nu-way le Khayalethu ka kananelo ya khabinete. Khabinete e ile ya dumela le hore mehato e nkuwe ho fedisa khampani e hlomamisitsweng. Mosebetsi wa ho kwala khampani o ile wa etswa ka tsebo le tumello ya Komiti e Teng ya Di-akhaonte tsa Setjhaba. Ka morao ho thekiso ya makala ana a mabedi a khampani melato ya khampani e ile ya fihlela tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 571 eleng molato o ileng wa fetisetswa ho Mmuso.
Maruo ohle a khampani a setseng ka morao ho thekiso ya makala ana a mabedi a khampani a tsamaela ho tjhelete e ka bang diranta tse kaalo ka dimilione tse 70 eleng tjhelete e botjwang ka dikadimo haholo ho dikoporasi tse fapafapaneng tsa matlo tsa mebuso ya mehleng ya TBVC eleng Transkei, Botswana, Venda le Ciskei. Mmuso o dumetse hore khampani e fetisetse maruo ohle a yona a ka etsang diranta tse dimilione tse 70 ho Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo (yeo kaofela eleng ya Mmuso) ka tjhelete e nyenyane ya R1,00. Lefapha la Matlotlo a Naha le ile la jara boikarabelo ba ho lefa boitlamo ba melato ena ka morao ho la 1 kgweding ya Mmesa selemong sa 2001.
Bili e batla ho fedisa khampani ho tloha ka la 1 kgweding ya Tshitwe selemong sa 2001 (letsatsi la tshebetso ya yona). Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha khampani rejistareng ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa selemo sa 1973), ho tloha mohla letsatsi lena la tshebetso. Ditokelo tsohle le maruo ohle a khampani di tla wela Koporasing ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo (eo kaofela e leng ya Mmuso) ha boitlamo le melato yohle e tla ba boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa setjhaba mme Mmuso o tlameha ho inyalanya le boitlamo le melato ena matsatsing a behilweng hore o ikamanye le ona. Batsamaisi ba khampani ba tla beha meja fatshe jwalo ka batsamaisi ho tloha mohla letsatsi leo la tshebetso ya Bili?
Tefo e etswang ke Mmuso nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2001 le sa 2002 ho ikamanya le boitlamo le melato tseo ho builweng ka tsona ka hodimo e lokela hore e be tefello tse otlolohileng tse tswang Letloleng la Ditjhelete tsa Setjhaba ho fihlela tefo tseo di se di sa kgone ho ntshuwa tjheleteng e abilweng kabong ya ditjhelete tsa Matlo Molaong wa Kabo wa selemo sa 2001 (Molao wa Nomoro ya 2 wa selemo sa 2001). Dilemong tse hlahlamang ditefello tse entsweng ke Mmuso ho ikamanya le boitlamo le melato eo di lokela ho tsamaya ho latela Molao wa Palamente.
Letlole la Setjhaba.
Banka ya Ntshetsopele ya Afrika Borwa.
Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo.
Baeletsi ba Mmuso ba Molao le Lefapha la Matlo ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela hore e tsamaiswe ho latela mehato e laeleditsweng ya karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo hobane e wela karolong ya tshebetso e lokodisitsweng Lenaneng la 4 la Molao wa Motheo, eleng Matlo?
<fn>sot_Article_National Language Services_BILI YA SELEMO SA 200.txt</fn>
Ho fedisa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ; ho fetisetsa ditokelo le maruo a Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa Koporasing ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha ; ho dihela boikarabelo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa Mmusong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa; le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong?
Molao wa Khampani?
Letsatsi la tshebetso?
Selemo sa ditjhelete?
Letona le bolela Letona la Matlo?
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso Khampani e keke ya hlola e sa ba teng jwalo ka khampani ho latela molao wa Dikhampani mme ka sepheo sa Molao oo e lokela hore e be e phethile tsohle tsa yona.
Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha dibukeng tsa hae ngodiso ya Khampani ena jwalo ka khampani ho latela Molao wa Dikhampani ho tloha mohla letsatsi la tshebetso.
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso?
b boitlamo le melato kaofela ya Khampani e tla wela tlasa boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa naha wa mmuso, Mmuso o tlameha ho phetha boitlamo le boikarabelo ba melato matsatsing a tsepamisitsweng hore melato e lefuwe ka ona; mme c balaodi le bahlakisi ba dibuka tsa ditjhelete ba Khampani ba beha meja fatshe jwalo ka balaodi le bahlakisi ba dibuka ba Khampani.
Tefo efe kapa efe eo Mmuso o e etsang nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2001/2002 ka morero wa ho phetha boitlamo kapa ho lefella melato ho latela karolo ya 3(b) e lokela hore e be ditshenyehelo tse otlolohileng tse ntshuwang Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha ho fihlela ditefello tseo di se di sa kgone ho ba teng matloleng a loketseng tlasa Ditekanyetso tsa Matlo tsa Molao wa Kabo wa selemo sa 2001.
Tefo efe kapa efe e etswang ke Mmuso ho kgotsofatsa boitlamo le ho lefella melato dilemong tse hlahlamang tsa ditjhelete e tla lokela ho etswa ho latela Molao wa Kabo wa Palamente.
Molao ona o bitswa Molao wa selemo sa 2001 wa Phediso ya Teresete ya Matlo ya Afrika Borwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_BIRO YA MATSHWAO A NA.txt</fn>
Biro ya Matswao a Naha e ikarabella ngodisong ya matshwao a emetseng naha a jwalo ka matshwao a puso, dibetjhe le ditshupo tse ding tse kang difolakga, disili, dikgau le mabitso ha mmoho le diyunifomo tsa mekgatlo le di-institjhushenene.
Ntshetsa pele mesebetsi e kang mesebetsi eo ba ka e abelwang ke Letona, lekgotla la Matshwao a naha kapa komiti ya matshwao a naha ho ya ka molao.
Ntle le mosebetsi ona oo ehlileng eleng wa matshwao a naha, Biro ka Lenaneo la yona la Phihlello e boetse e na le boikarabelo ba ho tsebahatsa Matshwao a Naha, ho etsa hore matshwao a Naha e be a Se-Afrika ho ya ka diphuputso, le ho sireletsa Matshwao a Naha jwalo ka theepa eo eleng leruo la tsebo ya Mmuso. Katleho tse fihlelwang ke Biro ya Matshwao a Naha di totobaditswe ke katleho ya ntshetsopeleng e atlehileng le kabo ya matshwao a matjha a Naha, Folakga e ntjha ya Naha; Matshwao a Puso le Pina ya Setjhaba e Kopantsweng.
Sepheo sa paballo ya diakhaeve ke ho tiisa hore setjhaba se kgona ho fihlella direkoto tse nang le nako e fetang dilemo tse mashome a mabedi. Diakhaeve tsa Naha le Tshebeletso ya Direkoto di buletswe setjhaba ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano ho tloha ka 8:00 ho isa ka 16:00, ekasita le ka Moqebelo wa boraro wa kgwedi e nngwe le e nngwe ho tloha ka 09:00 ho isa ka 13:00.
Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa di thehilwe ho latela kgweletso ya Molao wa Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa (Molao wa Nomoro ya 43 wa 1996) ho ya ka moo o ileng wa fetolwa ka teng. Karolwana ena ya molao e ile ya fetola Tshebeletso ya Diakhaeve tsa Mmuso wa Kgale hore e be Diakhaeve tsa Naha tseo boikemisetso ba tsona; mesebetsi le sebopeho sa tsona e leng se bontshang tsamaiso ya dipolotiki tsa nako ya ka morao ho kgethollo.
Diakhaeve tsa Naha di ikarabella phumanong, paballong le ntshetsopeleng ya tshebediso ya direkoto tsa setjhaba le tseo eseng tsa setjhaba tse nang le boelng bo tshwarellang; tlhokomelo ya hore ho na mokgwa wa ho fumana lesedi o sebedisang metjhini e itshebetsang ya lesedi la diakhaeve tsa naha, ho tsepamisa maemo a tshehetso ditshebeletso tsa diakhaeve tsa provense. Diakhaeve di bopa karolo ya bohlokwa ya lefa la naha mme ke mokgwa wa phahamisa boitsebo ba setjhaba, kaho ya setjhaba le matlafatso.
Diakhaeve ebile ke motjha o moholo oo mebuso e ka etswang hore e bontshe boikarabelo bathong. Ka mekgwa e ntlafetseng ya hore setjhaba se kgone ho fihlella diakhaeve, diketso tsa mmuso di hlahela powaneng. Ha mmoho le moo, diakhaeve di fupere bopaki ba ditokomane bo hlokehang ho tshireletsa moahi e mong le e mong le dihlopha.
Karolo e kgolo ya Diakhaeve tsa Naha ha e bontshe boitsebelo ba bongata ba baahi ba Afrika Borwa.
mohlala ke baahi bao ba Afrika Borwa bao esale ba behilwe ka mosing ke kgethollo, ba kang basadi jwalo jwalo. Diakhaeve tsa Naha di kene letsholong la mananeo a mangata a neano ya taba hore ho tle ho ngolwe le ho boloka boitsebelo ba batho feela ba tlwaelehileng mme ka ho etsa jwalo e tla be e le ho theha mokgwa wa ho bopa sisiu sa dikgopolo tse kopanetsweng sa dietsahetseng tsa baahi ba fapafapaneng ba Afrika Borwa.
Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo (NFVSA) ke bolaodi bo bonyenyane ba Diakhaeve tsa Naha. Taelo ya NFVSA ke ho bokella, ho boloka le ho ntshetsa pele theepa ya modumo le e utluwang e hlahisitsweng Afrika Borwa le e buwang ka Afrika Borwa. Molao wa Thesemetso ya Molao (Nomoro ya 54 ya 1997) o kgetholla NFVSA jwalo ka sebaka sa ho thesemetsa theepa ya modumo le e utluwang e hlahisitsweng Afrika Borwa.
Diakhaeve tsa Naha di hlokomela direjistara tsa naha tsa direkoto tseo eseng tsa setjhaba tse nang le boleng ba diakhaeve. Ho feta mona e ntshetsa pele tshebedisano dipakeng tsa di-institjhushenene tse amehang pokeletsong le polokong ya direkoto tseo eseng tsa setjhaba.
Diakhaeve tsa Naha ka Lenaneo la Phihlello le rerile ho fihlella batho ba sa tsebeng letho ka boteng ba diakhaeve le mesebetsi ya tsona. Maikutlo a lenaneo lena ke ho eketsa tshebediso ya diakhaeve ka ho isa diakhaeve bathong ka maeto a lebang di-institjhusheneneng tsa thuto le bathong ba Afrika Borwa le ka dipepeso, matsatsi a bulehileng le tshebeletso e ntle ya ho finyeletsa dintho bathong?
Diakhaeve tsa Naha di theha le ho hlokomela mokgwa wa lesedi le sebetsang hantle ka lesedi le tla thusa hore lesedi le kgonwe ho fihlelwabakeng sa ho ka kgotsofatsa ditlhoko tsa lesedi tse fapafapaneng molemong wa tshehetso ya ntshetsopele e phethahetseng ya batho.
Mokgwa wa naha wa lesedi la lesedi Afrika Borwa o na le mefuta e fapaneng ya dilaeborari le mekgatlo e meng ya lesedi. Diakhaeve tsa Naha di boetse di amana le Lekgotla la Naha la Laeborari le Ditshebeletso tsa Lesedi (NCLIS), Laeborari ya Naha ya Afrika Borwa (NLSA), Laeborari ya Afrika Borwa ya Difofu (BLINDLIB), dilaeborari tse sebetsang jwalo ka dibaka tsa thesemetso ya molao le Mokgatlo wa Basebetsi ba Difofu ba Afrika Borwa (SABWO). Setsha sa Buka ke yuniti e sebetsang ka ho ikgetha kahare ho NLSA e kgothaletsang tsebo ya ho bala le ho ngola ha mmoho le tlwaelo ya ho bala.
Melao e laolang mesebetsi ena ya Diakhaeve tsa Naha ke wa Lekgotla la Naha la Dilaeborari le Molao wa Lekgotla la Ditshbeletso tsa Lesedi wa 2001; Molao wa Laeborari ya Naha wa Afrika Borwa wa 1998; Molao wa Laeborari ya Difufo wa Afrika Borwa wa 1998; le Molao wa Thesemetso ya Molao wa 1997.
Molao wa Thesemetso ya Molao o netefatsa hore khopi e le nngwe ya tokomane e nngwe le e nngwe e phatlaladitsweng Afrika Borwa e romelwa mahala dibakeng tsa thesemetso hohle naheng ena. Ka Molao ona, lefa le fuperweng ke ditokomane le dula le bolokehile le ho fumaneha setjhabeng.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOFUMA, TEKANO YA BON.txt</fn>
Ntwa ya bofuma e qadile kgale ka tshimoloho ya nalane ya batho mme re ntse re tswela pele ho tjamelana le yona le dilemong tsena tse ntjha tse sekete. Ha ho moo ntwa ena e befileng le ho feta jwalo ka moelelong wa bong le wa bofuma mona Afrika.
Bofuma ke eng?
Boemo boo ho bona o nang le maruo a fokolang kapa o hlokang ka ho phethahala kapa o se nang dintho tseo eleng tsa hao, bofutsana, tlhopheho, le ho hloka?
Dilemong tsa morao tjena, diphuputso tsa ho batla ho fumana mahlakore a batho ba futsanehileng di amohetse hore bofuma bo ama tlhokeho e batsi, ho kenyeleditswe pepeseho le bofokodi bo tlisang dikgoka tsa bong ho phaella hodima bofutsana ba ho hloka seo eleng sa hao.
Bofuma bo bapisehang.
Bofuma bona ba haesale (ke bofutsana bo feteletseng) bo tshwana le tlhoko kapa kgaello e kgolo.
Bofuma bo bapisehang bo amana le kgaello ya batho papisong le ba bang setjhabeng seo ba phelang ho sona. Ha o lekanya kgaello e bapisehang kapa tlhokeho ya tekano ya phatlallo ya tjhelete e kenang, matlotlo le melemo kahare ho setjhaba.
Bofuma Afrika Borwa bo qoswa ke eng?
Dipalopalo tsa bofuma Afrika Borwa di eme jwang?
Tlaleho ya morao tjena ya Afrika Borwa e ile ya fihlela qeto ya hore palo ya batho ba futsanehileng ho latela sekepele sa bofuma sa Afrika Borwa e theohile (ho tloha ho 51,1% ka 1995 ho fihlela ho 48,5% ka 2002) empa palo kaofela ya bofuma e eketsehile ho tloha ho 20,2 million ka 1995 ho fihlela ho 21,9 million ka 2002. Tlaleho e boetse e supa hore palo ya setjhaba se phelang ka tlase ho tjhelete e kaalo ka $1 ka letsatsi e eketsehile ho tloha ho 9,4% ka 1995 ho fihlela ho 10,5% ka 2002.
Hobaneng basadi ba bangata e le bona bafutsana ho feta?
Kamano ke efe dipakeng tsa bofutsana, bong le dikgoka tse tobileng bong?
Dikgoka tse tobisitsweng basading le bofuma di tsamaelana ha mmoho. Ka bomadimabe palo e ngata ya basadi ho la Afrika Borwa e ditleneng tsa diteteko tse ngata haholo, dipeto le tlhekefetso tsa maikutlo. Le ha ho le jwalo, ho futsaneha ho eketsa bothata ba pepeseho ya dikgoka haholo.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOHLAHLOBI BA SEMOLAO.txt</fn>
Bohlahlobi ba Semolao ba Ditjhankane keng?
Ke kantoro e ikemetseng e thehuweng ho latela Molao wa Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, wa 111 wa 1998, e tlasa taolo ya Moahlodi ya Hlahlobang.
Sepheo sa Bohlahlobi ba Semolao ba Ditjhankane?
Sepheo sa Bohlahlobi ba Semolao ba Ditjhankane ke ho tsamaisa tlhahlobo ya ditjhankane hore Moahlodi ya Hlahlobang a ka fana ka tlaleho ka tshwaro ya batshwaruwa ditjhankaneng le maemo a ditjhankane.
Ho thehwa ha Bohlahlobi ba Semolao ba Ditjhankane?
Bohlahlobi bo na le diyuniti tse nne, Bahlahlobi ba sebetsanang le bohlahlobi le diphuputso, Yuniti ya Ditshebeletso tsa Semolao e sebetsanang le ditletlebo tsa batshwaruwa, Yuniti ya Moeti ya Ikemetseng wa Ditjhankane (MID) e sebetsang ka ho thonngwa le tsamaiso e akaretsang ya BID le Yuniti ya Tsamaiso e sebetsanang le ditjhelete, thepa le tsamaiso ya mehlodi ya thuso. Diyuniti di ikarabella ho Molaodi, Mong. Gideon Morris.
Moahlodi ya Hlahlobang ke mang?
Mohlomphehi Mong. Moahlodi JJ Fagan o ile a thonngwa ke Moporesidente wa Afrika Borwa jwalo ka Moahlodi ya Hlahlobang wa Ditjhankane, ho latela Molao wa Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ho tloha ka la 1 Mmesa 2000.
Mesebetsi ya Moahlodi ya Hlahlobang ke efe?
Ho hlahloba kapa ho hlophisetsa tlhahlobo ya ditjhankane hore ho tle ho fanwe ka pehelo ya tshwaro ka hara ditjhankane le maemo ka hara ditjhankane.
Ho amohela le ho sebetsana le ditletlebo tsa batshwaruwa tse kentsweng ke Lekgotla la Naha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane, Letona, Mokomeshenara, kapa Komiti ya Baeti le moo tlhokeho e le e potlakileng ka Moeti ya Ikemetseng wa Ditjhankane.
Ho fana ka pehelo e mabapi le tlhahlobo ho Letona le ho batho ba bang bao Moahlodi ya Hlahlobang a nahanang hore ba loketse ho e fumantshwa.
Ho fana ka pehelo ya selemo ka seng ho Moporesidente le Letona.
Ho tshwara kapa ho hlophisetsa hore diphuputso di tshwarwe ditjhankaneng mme moo ho hlokehang ho tshwarwe dikopano le setjhaba.
Moahlodi ya Hlahlobang o tshwara ditlhahlobo ka mokgwa o jwang?
Moahlodi ya Hlahlobang o thonya Bahlahlobi kapa bathusi ba ikgethang ho tshwara ditlhahlobo ho latela tlhokeho ya tsona.
Baeti ba Ikemetseng ba Ditjhankane ke bomang?
BID ke ditho tsa setjhaba sa rona bao, ka mora ho etsa kgweletso ya ho thonya mabitso setjhabeng, di thonngwang ditjhankaneng tsa rona.
Ditletlebo tsa batshwaruwa di sebetswa jwang?
Motshwaruwa ka mong o na le tokelo ya ho hlahisa tletlebo ho Hlooho ya Tjhankane, e tlang ho lokela ho rekota tletlebo e jwalo, ho sebetsana le yona le ho tsebisa motshwaruwa ka sephetho sa yona.
Ha motshwaruwa a sa kgotsofala ke karabo, a ka lebisa tletlebo e jwalo ho MID, kapa moo ho se nang MID, a e lebisa ho Moahlodi ya Hlahlobang.
Mesebetsi ya Baeti ba Ikemetseng ba Ditjhankane (BID) ke ofe?
Ho sebetsana le ditletlebo tsa batshwaruwa ka ho etela le ho tshwara dipuisano kgafetsa le batshwaruwa, boinotshing ha ho hlokeha.
Ho buisana ka ditletlebo le Hlooho ya Tjhankane ka maikemisetso a ho rarolla mathata ka hare.
Ho fetisetsa tletlebo e sa kang ya fumanelwa tharollo Komiting ya Baeti, kapa moo ho se nang komiti e jwalo, ho Moahlodi ya Hlahlobang.
Ho fana ka dipehelo ho Moahlodi ya Hlahlobang; tse kenyelletsang bolelele ba nako ya diketelo, lenane le mofuta wa ditletlebo tse rarollotsweng le lenane le mofuta wa ditletlebo tse fetiseditsweng Komiting ya Baeti e loketseng.
Ho ka ikopanngwa jwang le Moeti ya Ikemetseng wa Ditjhankane?
Baeti ba Ikemetseng ba Ditjhankane ba ile ba thonngwa ditjhankaneng tse ngata ho tsamaisa tharollo ya ditletlebo tsa batshwaruwa. Batshwaruwa ba lokela ho kopa Hlooho ya Tjhankane ha ba batla ho bonana le MID.
Ditletlebo tse sa rarollwang ke Komiti ya Baeti?
Ditletlebo tse sa rarollwang ke Dikomiti tsa Baeti di sebetswa ke Kantoro ya Moahlodi ya Hlahlobang. Diqeto tse etswang ke Kantoro ya Moahlodi ya Hlahlobang ke tsa ho qetela.
Ke mofuta ofe wa tletlebo oo Moahlodi ya Hlahlobang a nang le matla a ho sebetsana le tsona?
Ditletlebo tse mabapi le maemo tjhankaneng kapa tshwaro ya batshwaruwa ka hara tjhankane. Sena ha se kenyelletse, ho tea mohlala, ditletlebo tse mabapi le dintlha tse amanang le ho kwallwa kapa ho ahlolwa le ho tlolwa ha ditokelo ka ntle ho tjhankane.
Moahlodi ya Hlahlobang a ka fihlellwa jwang?
Ditletlebo tsa batshwaruwa di lokela ho lebiswa ho Moahlodi ya Hlahlobang ka BID.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOIPILETSO BA HO (1).txt</fn>
Ditho tsa mokga wa Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding mmoho le ba bang ba nang le thahasello ba mengwa ho thonya bonkgetheng ba tshwanelehang ba tla elwa hloko ha ho kgethwa Khansele ya Naha ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding ka ho ya ka Molao wa Naha wa Khansele ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding, 2001 (Molao wa Nomoro ya 6 wa 2001) bakeng sa nako ya ho tloha ka la 1 Pudungwana 2006 ho ya la 31 Mphalane 2009.
Sepheo sa Khansele ena ke ho eletsa Letona la Bonono le Setso le Letona la Thuto ditabeng tse amanang le ditshebeletso tsa dilaeborari le tlhahisoleseding bakeng sa (a) ho tshehetsa le ho tsosolosa ntshetsopele ya thekenoloji ya tlhahisoleseding ya phedisano le moruo, thuto, setso, boiketlo, diphuputso tsa saense tsa baahi bohle ba naha; le (b) ho fana ka phihlelo e felletseng ya tlhahisolseding e tshwanetseng mothong e mong le e mong ka tsela e tla fokotsa ditjeo. Mesebetsi ya Khansele e kenyelletsa, hara e meng, ho tsebisa le ho eletsa Matona ka ntshetsopele le ho hokahana ha ditshebeletso tsa dilaeborari le tlhahisoleseding ka hara naha.
Batho ba thontsweng ba lokela ho emela bathahaselli bao e leng baetapele makaleng a bona a tsebo mme ba na le tsebo e tjhatsi ditshebeletsong tsa laeborari le tlhahisoleseding le mekga ya thuto. Hantlentle ba lokela ho ba le tsebo e mabapi le melao ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding, taolo le ditjhelete tsa dilaeborari, thupelo ya basebetsi ba Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding, bokgoni ba ho bala le ho ngola, le botsebi ba Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ka Dikhomputara bakeng sa ho kgothaletsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding tse sebetsang hantle haholo.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho thonya motho ya tla ba Khanseleng o lokela ho tlatsa le ho romela foromo ya semmuso ya ho thonya lebitso Lefapheng la Bonono le Setho.
Lengolo le nang le mabitso a felletseng le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le motho ya thontseng, le hlalosang ho tshwaneleha ha motho ya thontsweng hore a ka kgethwa ka ho ya ha maemo a hlalositsweng mona ka hodimo, le mabitso le dintlha tsa ho ka iteangwang le batho ba bararo ba ka pakang ka motho ya thontsweng.
Kamohelo e ngotsweng ya motho ya thontsweng.
a Thaetlele le mabitso ka botlalo b Nomoro ya Tokomane ya Boitsebiso c Boahi ba Naha.
d Dintlha tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le yena e Mosebetsi a o etsang ha jwale mmoho le lebitso la ramosebetsi f Mangolo a thuto g Boiphihlelo bo tshwanetseng h Makala a nang le botsebi bo hlwahlwa ho ona i Botho ba mekgatlo, Diboto, jj.
Letsatsi la ho qetela la ho romelwa ha mabitso a thontsweng ke la 5 Motsheanong 2006.
Foromo ya semmuso ya ho thonya mabitso, ekasitana le khopi ya Molao wa Naha wa Dilaeborari le Tlhahisoleseding, 2001, e ka fumanwa ho tswa ho?
<fn>sot_Article_National Language Services_BOIPILETSO BA HO THON.txt</fn>
Ditho tsa mokga wa ditshebeletso tsa laeborari le tlhahisoleseding, difofu, batho ba nang le bothata ba ho bona le bao ba sa kgoneng ho bala ho ngotsweng, ekasitana le setjhaba ka kakaretso, mona ba mengwa ho thonya bonkgetheng ba tshwanelehang ba tla kgethwa ho kena botong ya Laeborari ya Difofu ya Afrika Borwa (Blindlib), Grahamstown. Lekgotla le tla ba le bonyane ditho tse supileng, tse tla kgethwa ke Letona la Bonono le Setso bakeng sa nako wa ho tloha ka la 1 Mphalane 2007 ho ya ho la 1 Loetse 2010. Boto e tla botjwa hape botjha ka mora dilemo tse tharo. Boto e kopana ka makgetlo a 4 ka selemo mane Grahamstown, Kapa Botjhabela. Ditlhapiso bakeng sa ditho tsa Boto e tla feela tsa tefelo ya ditshenyehelo tsa marobalo le maeto ha ba tla dikopanong.
Msebetsi e meholo ya Boto e tla ba ho hlahisa maano, kananelo ya bajete le ditatamente tsa ditjhelete, ho hira moifo, le ho eletsa Letona ka ditaba tse mabapi le Blindlib ho ya ka Molao wa Laeborari ya Difofu ya Afrika Borwa, 1998 (Molao wa 91 wa 1998).
Batho ba thontsweng ba lokela ho emela bathahaselli ba nang le bokgoni bo hlokehang ba ho thusa Blindlib hore e fihlele dipheo tsa yona. Batho ba thongwang ba lokela ho ba le tsebo ya ditshebeletso tsa laeborari le tlhahisoleseding, botsebi ho tsa merero e amang babadi ba difofu le bao ba sa kgoneng ho bala, botsebi ba tlhahiso ya mongolo wa difofu e leng Braille ekasitana le disebediswa tse mamelwang tsa difofu le ba nang le bofokodi ba ho bona, botsebi ba tsamaiso, ditjhelete le ditaba tse amanang le basebetsi, le botsebi ba papatso, lehokela le ho bokella matlotlo.
Lengolo le nang le (a) mabitso ka botlalo le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le motho ya thontseng (b) mabaka a ho thonya, le (c) mabitso le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le ba bararo ba ka pakang ka motho ya thontsweng.
Tsa bophelo ba motho ya thontsweng (CV) ka kgutshwane, mme mona ho hlaloswa ho tshwaneleha ha hae hore a ka kgethwa.
Letsatsi la ho qetela la ho romelwa ha mabitso a thontsweng ke la 31 Motsheanong 2007.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOLAODI BA MOTLAKASE.txt</fn>
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba ha bo ne bo thakgolwa ka kgwedi ya Mmesa 1995, bo ile ba itlama ho ntshetsa pele mosebetsi wa phepelo ya motlakase tshebetsong ya Indaseteri ya Phepelo ya Motlakase. Ho ile ha hlophiswa dipehelo tsa tshebetso mme tsa amohelwa ke Bolaodi e le hore di sebediswe ke bafepedi e le ho etsa bonete ba hore basebedisi ba motlakase ba sebeletswa hantle. O mong wa mesebetsi ya Bolaodi bona ba Motlakase wa Setjhaba ke ho hlokomela hore bafepedi ba sebetsa ho latela dipehelo tsena tsa tshebetso.
Bolaodi bo bile bo hlokometse hore basebedisi ba motlakase le bona ba na le boikarabelo bo itseng bolaoding bona ba motlakase. Ke taba e dumelwang hore haeba basebedisi ba motlakase ba hlokomela le ho tseba ka dipehelo tsena tsa tshebetso ba tla ba le hona ho phephetsa bafepedi hore ba hle ba sebetse ka bokgabane ka ho fetisisa. Ka tsela e jwalo basebedisi ba motlakase ba lokela ho tseba maemo a tshebetso a ba tshwanelang. Ka mabaka ana a boletsweng, Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo hlophisitse tokomane e thusang mmadi le mosebedisi wa motlakase ho feta e ntseng e sebediswa le hoja e sa fetole sepheo sa yona.
Re a tshepa hore basebedisi ba motlakase ba tla itlwaetsa maemo ana a tshebetso mme ba tshehetse Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba morerong wa bona wa ho hlokomela le ho tataisa bafepedi bohle ba nang le dilaesense.
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo se bo ne bo hlokomele kgale hore ho a hlokeha hore ho behwe dipehelo tsa maemo a tshebetso mabapi le Indaseteri ya Phepelo ya Motlakase. Maemo ana e lokela ho ba ao basebedisi ba motlakase ba ka a lebellang makaleng a fapaneng a mebaraka mme e be maemo ao bafepedi ba tla tshwanela ho kgothalla ho sebetsa ka ona.
E le ho etsa bonnete ba hore bafepedi ba motlakase ba sebetsa ho latela maemo ana ba lokela hore selemo le selemo ba etse pehelo ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba malebana le mosebetsi wa bona mme o bapiswa le maemo ana.
Bukana ena e reretswe ho tsebisa basebedisi ba motlakase ba dimetara/ ba nang le mokitlane mabapi le boleng ba tshebeletso eo ba ka e lebellang ho bafepedi esita le hona ho etsa hore basebedisi ba motlakase ba tsebe le ho utlwisisa NRS 047 jwaloka ha e ba ama. Bukana ena e bile e hlalosa motjha oo basebedisi ba motlakase ba ka o latelang haeba ba na le boipelaetso kgahlano le mofepedi wa motlakase malebana le maemo a tshebetso.
Mesebetsi e ikgethileng eo mofepedi wa motlakase a e etsang hangata e etswa ka tumellano tse ikgethileng pakeng tsa mofepedi le mosebedisi wa motlakase mme tumellano tsena tsona ha di laolwe ke NRS 047.
Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlakisa hore Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo lebella hore mosebedisi le mofepedi wa motlakase ba be le hona ho rarolla mathata a bona pele ba ka fetisetsa ditletlebo tsa bona ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba. Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo ke ke ba ba le seabo ha e se feela ha mathata a jwalo a sa rarollwe ke beng ba ona.
Ho na le mantswe a itseng a sebediswang hangata indasetering ya phepelo ya motlakase mme ho o tshwaneleha hore basebedisi ba motlakase ba tsebe ka ona le ditlhaloso tsa ona.
Mofepedi: Ke bolaodi bo filweng tumello kapa laesense ke Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bakeng sa ho fana le ho aba motlakase.
Boleng ba phepelo: Ke maemo a tlase bakeng sa boleng ba tshebetso ya phepelo ya motlakase, jwalo ka ditekanyetso tsa motlakase, thibelo ya phepelo ya motlakase, jwalojwalo jwalo ka ha ho hlalositswe Karolong ya Bobedi ya NRS 048.
Thibelo e rerilweng ya phepelo ya motlakase: Ena ke thibelo e rerilweng ya phepelo ya motlakase mme e rerilwe ke bolaodi ba phepelo ha bo ntshetsa pele merero ya tlhokomelo kapa dikatoloso tsa tshebetso ya maranrang a phepelo ya motlakase.
Thibelo e qobellwang ya phepelo ya motlakase: Ena ke thibelo ya phepelo ya motlakase e bang teng ha ho na le phoso tshebetsong ya maranrang a motlakase kapa metjhini ya motlakase e sa sebetse hantle.
Maranrang a lehae: Ana ke maranran g a fepelang dibaka tsa bodulo tse nang le matlo empa di se na disebediswa tse tswetseng pele jwalo ka ditsela.
Maranrang a metse ya ditoropo: Ana ke maranrang a fepelang dibaka tsa bodulo tse teteaneng tse nang le disebediswa tse tswetseng pele.
Phepelo ya nakwana kapa mokobobo: Ena ke phepelo ya motlakase e etsetswang mosebedisi wa motlakase ka nako eo ho nang le maemo a sa tlwaelehang. Phepelo ena e ka nna ya se ke ya ikamahanya le maemo a tshebetso a seng a ntse a sebediswa.
Tekanyetso e tlase ya motlakase: Hangata e sebediswa ho tshehetsa dibaka tsa bodulo kapa basebedisi ba motlakase ba dikgwebo tse nyenyane.
Tekanyetso e mahareng ya motlakase: Hangata e sebediswa ho aba motlakase esita le ho fepela basebedisi ba motlakase ba diindaseteri tse kgolo kapa dibaka tsa kgwebo.
Basebedisi ba mekitlane kapa ba dimetara tse tlwaelehileng: Basebedis ba motlakase bao tshebediso ya bona ya motlakase e methwang ka dimetara e balwang ke mofepedi wa motlakase mme ebe o romela akhaonte.
Maemo a tshebetso a hlalositsweng ho NRS 047 Karolo ya Pele ke maemo a tlasetlase ao bafepedi ba motlakase ba lokelang ho kgothalla ho a fihlela. Le ha ho le jwalo, bafepedi ba motlakase ba ntse ba lebeletswe le ho kgothaletswa ho sebetsa ka matla ho feta dipehelo tseo tsa bonyane.
Maemong ao bafepedi ba hlolehang ho fihlella maemo a lebeletsweng a tshebetso ka mabaka ao ba ke keng ba a qoba, ha ba na fumanwa ba lokela ho jara boikarabelo ba ho se fihlelle maemo ao a lebeletsweng. Maemo a mofuta oo a akaretsa diketso tsa ntwa, boshodu le ho senya; diketso tse etsahalang indasetering, dikotsi tsa dikoloi esita le maemo a mabe a lehodimo. Maemo ana a boletsweng ka hodimo ha se ona feela, le ha ho le jwalo a reretswe ho totobatsa ho bontsha tse tla etsahala maemong ao a jwalo.
Maemong ao ho ona mofepedi a qabanang le mosebedisi wa motlakase, ke ntho e tlamang mofepedi wa motlakase ho leka ho fedisa qabang eo ka ho botsa batho ba bang. Mme ka tsela e jwalo, ha ho se ho hlahisitswe tletlebo, mofepedi o lokela ho tsebisa mosebedisi wa motlakase ka kopano kapa lemulwana, nako le sebaka moo ho tla lekwa ho rarolla bothata boo. Ho lokela hore ho hlake hore Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo tla ba le tokelo ya ho ba le seabo feela ha boiteko bona bo hloleha ho rarolla bothata bona.
Basebedisi ba motlakase ba na le boikarabelo ba ho hlokomela le ho ikobela melawana le dipehelo tse boletswetsweng ke mofepedi wa motlakase.
Ha basebedisi ba motlakase ba etsa dikopo tsa phepelo ya motlakase, basebedisi ba motlakase ba lokela ho hlahisa dintlha tsohle tsa bohlokwa tse hlokwang ke mofepedi wa motlakase, ba tlatse ditokomane tsohle tse tshwanelehang le hona ho lefa ditefello tse hlalositsweng.
Maemong a mang moo ho nang le tletlebo ka boleng ba tshebetso, ha re tea ka mohlala; ho tsepama ha dimetara tsa motlakase wa basebedisi ba motlakase, ho o tshwaneleha hore mosebedisi wa motlakase a hle a lefe tefello e boletsweng pele taba e fuputswa e sebetswa. Tjhelete ena e tla kgutliswa haeba metara o fumanwa o sa sebetse hantle.
Mosebedisi wa motlakase o lokela ho dumella mofepedi wa motlakase ho rarolla bothata pele taba e ka fetisetswa ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba haeba ba hloleha ho fihlella tumellano. Tadima legephe le qetellang bakeng sa dintlha tse feletseng.
Hangata basebedisi ba motlakase ba etsang dikopo tse ntjha tsa phepelo ya motlakase kapa kekeletso ya phepelo ya motlakase ho e seng e ntse e le teng ba kgathatswa ke ho se etse letho le ho etsa tsebiso ka letho.
Kgwedi e le nngwe mme ho hlokeha phepelo e tlase ya motlakase kapa e mahareng e ekeditsweng ho disebediswa tse ntseng di le teng.
Haeba ho lokela ho hlophiswa sekgahla se mahareng sa phepelo ya motlakase mosebedisi wa motlakase le mofepedi ba lokela hore ba buisane ka nako ya ho fana ka koteishene.
Nako ya matsatsi a mashome a mararo moo maranrang a teng a motlakase a ka nnang a sebediswa.
Nako ya dikgwedi tse pedi moo sekgahla se tlase kapa se mahareng sa motlakase se hlokehang ho maranrang a sebediswang a motlakase.
Haeba ho lokela ho thehwa disebediswa tse ntjha tsa sekgahla se mahareng, mosebedisi wa motlakase o lokela ho buisana ka nako ya ho hokela motlakase.
Mokgwa o sebedisitsweng ho metha bongata ba motlakase o sebedisitsweng nakong eo ho neng ho sa balwe dimetara.
Tshebetso ya ho bala dimetara tse ikgethileng esita le dimetara tse hlahlojwang ka hare.
Metjhini ya phetiso ya sekgahla sa motlakase, moo ho hlokehang.
Haeba e nngwe ya dintlha tsena e sa hlahelle, mosebedisi wa motlakase o lokela ho botsa mofepedi wa hae wa motlakase.
Hangata dimetara di hlahlojwa ka nako e sa tsepamang mme diakhaonte tsa kgwedi di a hlophiswa. Hamorao ha diakhaonte di se di bokeleditswe di amantswe hammoho eba mosebedisi wa motlakase o tla tadimana le tefello tse phahameng tsa motlakase. Boemo bona ba ditaba ke bo sa kgotsofatseng mosebedisi wa motlakase. NRS 047 jwale e hlophisitse dipehelo tsa diakhaonte tse feletseng mme hona ho lebeletswe ho fokotsa maemo ana a sa kgotsofatseng. Mofepedi wa motlakase o lokela ho fana ka dintlha tse feletseng akhaonteng e le ho thusa mosebedisi wa motlakase ho tseba le ho utlwisisa hore o lefella eng.
Dimetara tsa dibaka tsohle tsa bodulo le tsa kgwebo tsa basebedisi ba motlakase tseo sekgahla sa motlakase se ka lekanngwangka ho otloloha mme ho sa sebediswe motlakase kapa sesebediswa se fokotsang sekgahla sa motlakase di lokela ho balwa kgafetsakgafetsa. Basedisi ba motlakase ba eletswa hore ba ba fumane hore na mofepedi wa motlakase o tla bala dimetara tsa bona neng tikolohong ya bona mme ba thuse mofepedi ho fihlella dibakeng tsa bona. Ba lokela ho hlokomela le ha ho le jwalo, hore dimetara di lokela ho balwa hanngwe nakong ya dikgwedi tse leshome le metso e mmedi.
Dimetara tsohle tse sebedisang motlakase kapa sesebediswa se fokotsang sekgahla sa motlakase bakeng sa ho bala dimetara, di lokela ho balwa hanngwe kgweding e nngwe le e nngwe. Hona ho sebediswa ho basebedisi ba dikgwebo tse kgolo le diindaseteri tse kgolo.
Moo ho hlokehang ho fumana bongata ba motlakase o sebedisitsweng bakeng sa nako e itseng, tshebediso ya ya motlakase e lokela ho thehwa hodima dipalopalo tse seng di le teng. Haeba ho se jwalo, ke ho re, dipalopalo tse jwalo di le siyo, di lokela ho behwa ho mokgwa oo mosebedisi le mofepedi wa motlakase ba dumellanang ka ona.
Tjhelete e saletseng morao esita le temoso e ngotsweng ya hore ha tjhelete eo e sa leshwe ho tla ba le ho kgaolwa ha phepelo ya motlakase wa mosebedisi habe a sa lefe nakong ya matsatsi a leshome le metso e mene.
Qetello le leano la tshebetso haeba dibaka di kwetswe.
Mofepedi wa motlakase o tla hlokomela hore haeba ho kgoneha ho be le menyetla ka hare kapa haufi le dibaka tsa ditoropo, dibaka tsa kgwebo le dindaseteri e le ho thusa basebedisi ba motlakase ho lefa diakhaonte tsa bona e le ho rarolla ditletlebo tsa diankhaonte.
Basebedisi ba motlakase ba tla fuwa tsebiso ya tlhokomediso nako ya dihora tse mashome a mane a metso e mene malebana le kgaolo ya motlakase e ka nnang ya etswa.
Ho kgaolwa ha motlakase ho ke ke ha etswa pele ho dihora tse pedi pele ho kwalo ya ditefello tsa motlakase e tlwaelehileng sebakeng sa tefello.
Re lokela ho hlokomela hore mehato ena ha e sebetse haeba ho lokela ho kgaolwa kapa ho hokelwa ha motlakase kamora hore ho be le tshitiso ya phepelo ya motlakase e le ho sebedisa motlakase ka ntle ho molao; kapa haeba ho na le ditumellano tse ding tse entsweng le mosebedisi wa motlakase.
Ditletlebo tse entsweng ka ho itlhahisa ka seqo ho mofepedi wa motlakase dibakeng tse boletsweng kapa ka ho letsetsa mofepedi mohala, di lokela ho sebetswa nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso. Tletlebo ka lengolo e lokela ho sebetswa nakong ya matsatsi a mahlano a tshebetso.
Haeba mofepedi wa motlakase a hloleha ho kena sebakeng se itseng ho tla bala metara ya motlakase o sebedisitsweng ke mosebedisi wa motlakase, ho tla siuwa karete e balang metara wa motlakase kapa tsebiso (kapa ka bobedi) sebakeng seo. Mosebedisi wa motlakase o lokela ho kgutlisa karete eo e supang palo e sebedisitsweng ya motlakase kareteng ya metara ka letsatsi le beilweng mme ha ho se jwalo, bongata ba motlakase o sebedisitsweng bo tla lekanyetswa feela hore e ka ba bo bokae. Haeba karete ena e bontshang palo e sebedisitsweng ya motlakase e sa kgutlisetswe pele ho boela ho balwa dimetara hape, mofepedi wa motlakase o tla tshwanela ho ikopanya le mosebedisi wa motlakase. Haeba kamora nako e itseng e neng e badilwe mofepedi wa motlakase a hlolehile ho kena sebakeng se itseng ho nka ditekanyetso tsa motlakase, phepelo ya motlakase e ka nna ya kgaolwa kamora hore mosebedisi wa motlakase a tsebiswe taba tsena ka lengolo.
Mofepedi wa motlakase o tla hlahloba hore metara o sebetsa hantle ka tshwanelo ha mosebedisi wa motlakase a kopa jwalo mme a bile a lefile tjhelete e itseng malebana le mosebetsi ona. Tjhelete ena e tla kgutlisetswa ho mosebedisi wa motlakase haeba metara o fumanwa o sa sebetse hantle.
Mosebedisi wa motlakase a ka lebella hore metara wa hae wa motlakase o hlahlojwe nakong ya matsatsi a leshome le metso e mehlano kamora ho lefa tjhelete e boletsweng.
Ho ka ba le kgaolo ya motlakase e sa lebellwang ka nako le nako mme hona ho ka etsahala ka ntle ho taolo ya mofepedi wa motlakase. Ho etsahala ha kgaolo tsa mofuta ona esita le dinako tsa ho sebetsa hape ha maranrang a motlakase ho tla laolwa ke mofuta wa maranrang a phepelo ya motlakase. Ha re tea ka mohlala, mosebedisi wa motlakase ya sebedisang maranrang a sejwalejwale a motlakase a hoketsweng ka bokgabane a ka ba le kgaolo tse mmalwa tsa motlakase mme ebile a ka kgutlisetswa motlakase ka nako e kgutshwanyane ha o ne o kgaotswe. Sena se ka etsahala hantle ho feta ha mosebedisi wa motlakase ya fumantshwang motlakase ka maranrang a sekgalekgale a motlakase ka lebaka la hobane ho ka ba le menyetla e fokolang ya ho sebedisa dikgokelo tse ding tsa maranrang a motlakase.
Makgetlo a ho etsahala ha diphoso esita le nako e nkuwang ho lokisa diphoso tseo a tla fapana dibakeng tsa ditoropo ho latela hore na maranrang a motlakase ke a ka tlase ho lefatshe kapa ke a ka hodimo. Bongata ba maranrang a motlakase a mahaeng ke a tsamayang hodimo.
Mofepedi wa motlakase o lokela ho etsa tsebiso nakong ya dihora tse mashome a mabedi a metso e mene ka fonofono e le hore basebedisi ba motlakase ba tsebe ho beha phoso efe kapa efe e etsahalang mme phoso e tsebisitsweng e lokela ho fuwa nomoro e ikgethang e le hore mosebedisi wa motlakase a tsebe ho etsahalang.
Diphoso tse etsahalang di a fapana mme ke ka sewelo ho ka kgonehang hore basebedisi ba motlakase ba tsebiswe hore diphoso tseo di tla lokiswa neng e le ho kgutlisetsa phepelo ya motlakase. Le ha ho le jwalo, mosebedisi wa motlakase a ka tiisetswa hore diphoso tsohle di tla lokiswa mme phepelo ya motlakase e tla kgutlisetswanakong ya dihora tse mashome a mabedi a metso e mene, ha e se feela maemong a sa tlwaelehang.
Mona re fumana pontsho ya makgetlo ao ka ona ho ka bang le thibelo e qobelehang ya phepelo ya motlakase e ka lebellwang bakeng sa mefuta e fapaneng ya maranrang a motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a tsheletseng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome le metso e mmedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mane ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome le metso e mmedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a leshome ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse mashome a mabedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mane ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse mashome a mararo tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a tsheletseng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi bana ha ba be le kgaoho ya motlakase e fetang makgetlo a mashome a tsheletseng ka selemo le selemo ka palo yohle e sa fetang dihora tse makgolo a mabedi a dihora ya ho kgaoha ha motlakase.
Re lokela ho hlokomela hore makgetlo a kgaoho e qobelehang ya motlakase karolong ena ya ho qetela ya basebedisi ba motlakase e hlile e phahame ho feta dikarolo tse ding ka lebaka la hobane ho sebediswa dithapo tse mathang hodimo tse ka nnang tsa tsukutlwa ke maemo a lehodimo mme ebile ho se na mekgwa e meng hape ya ho hokela motlakase bakeng sa phepelo ya motlakase.
Bafepedi ba na le lenane la basebedisi ba motlakase ba lokelang ho thuswa pele ha ho lokela ho hokelwa e le ho kgutlisetsa phepelo ya motlakase haeba ho ile ha ba le kgaolo e ke keng ya qojwa ya motlakase. Dipetlele, ditleliniki esita le diphaposi tsa tshebetso ya bongaka di ka lokela ho hokelwa pele haeba ho busetswa phepelo ya motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba sebedisang metjhini e tsheheditseng bophelo ba bona kapa ba nang le dikgwebo tse sebetsang haholo ka ho ba teng ha matla a motlakase, ba lokela ho ikopanya le bafepedi ho etsa ditlhophiso tse ikgethileng.
E le hore ho tsebe ho lokiswa kapa ho eketswa maranrang a motlakase, mofepedi wa motlakase ka nako e nngwe a ka lokela ho tima motlakase tulong ya mosebedisi wa motlakase. Hangata mofepedi o lokela ho tsebisa mosebedisi wa motlakase bonyane dihora tse mashome a mane a metso e robedi ka boikemisetso bona ba ho kwal phepelo ya motlakase. Mofepedi wa motlakase o tla sebedisa mokgwa o tsebahalang wa phatlalatso bakeng sa ho tsebisa basebedisi ba motlakase ka letsatsi, nako le bolelele ba nako ya ho kgaola phepelo ya motlakase. Hona ha ho sebetse nakong ya ho lokiswa ho qobelehang ha metjhini nakong ya kotsi kapa haeba tieho e ka boela ya ntshetsa pele mathata a phepelo ya motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba sebedisang metjhini e tsheheditseng bophelo ba bona kapa ba nang le dikgwebo tse sebetsang haholo ka ho ba teng ha matla a motlakase, ba lokela ho ikopanya le bafepedi ho etsa ditlhophiso tse ikgethileng.
Mona re fumana pontsho ya makgetlo ao ka ona ho ka bang le thibelo e qobelehang ya phepelo ya motlakase e ka lebellwang bakeng sa mefuta e fapaneng ya maranrang a motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng hanngwe ka selemo se seng le se seng sa bobedi mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka lekgetlo le le leng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka lekgetlo le le leng ka selemo se seng le se seng sa bobedi mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba bangata ba motlakase ba a tsieleha ha ba lokela ho hlahisa ditletlebo tsa bona kapa ba batla ho tseba ka taba e itseng.
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo kenyeletsa tshebeletso ena ho tswa ho bafepedi ba motlakase ka hara NRS 047.
Bafepedi ba motlakase ba lokela ho leka ho rarolla mathata a ditletlebo tsa basebedisi ba motlakase a tlileng ka tsela ya difonofono kapa ka ho itlhahisa ka seqo ka potlako e kgolo. Ba lokela ho etsa sena ka ntle le ho fetisetsa basebedisi ho a kopa thuso sebakeng se seng se itseng.
Haeba ho lokela hore ho etswe dipatlisiso, mosebedisi wa motlakase ya tletlebang o tla lokela ho tsebiswa ka lengolo nakong ya matsatsi a mabedi mme bothata boo ba hae bo rarollwe nakong ya diveke tse pedi.
Mofepedi wa motlakase o tla leka ho rarolla bothata ba mosebedisi wa motlakase ba dipatlisisomme a mo eletse ka potlako a sa mo lebise sebakeng se seng.
Ha mofepedi wa motlakase a fumana taba ena ya patlisiso ya mosebedisi wa motlakase ka mohala kapa ka ho buisana le bona mme ditletlebo tseo di batla diphuputso, o lokela ho araba mosebedisi wa motlakase nakong ya matsatsi a mahlano a tshebetso.
Dipatlisio tsa mangolo tse tswang ho basebedisi ba motlakase di lokela ho sebetswa nakong ya diveke tse tharo.
Ho latela lengolo la kopo le amang mosebetsi wa mofepedi wa motlakase, mofepedi wa motlakase o lokela ho araba nakong ya diveke tse pedi.
Dikarabo di lokela ho kenyeletsa dintlha tsa bohlokwa e le ho ntshetsa pele tshebetso ya kopo.
Ha NRS 047 e sebetsana le boleng ba mosebetsi o etswang ke bafepedi ba motlakase ho basebedisi ba motlakase, NRS 048 yona e sebetsana le phepelo ya motlakase ho basebedisi ba motlakase.
Dintlha tse kang ho phahama le ho theoha ha sekgahla sa motlakase, ho kgaolwa ho fetang tekano ho tlamang le ho rerilweng, ho fokola ha motlakase ka hara maranrang a motlakase esita le phepelo e sa kgotsofatseng ya motlakase, di ka qosa hore mosebedisi wa motlakase a ikopanye le mofepedi wa motlakase ho lokisa dipho tse jwalo.
Nako e tla nkwa ho lokisa rarolla mathata a jwalo ke boikarabelo ba NRS 047.
Ha re hlile re totobatsa hantle, mosebedisi wa motlakase o lokela ho fa mofepedi wa motlakase nako e lekaneng ya ho rarolla mathata a hlahisitsweng. Mathata a mang a ka nna a qosa hore mofepedi wa motlakase a etse diteko tse matla, a etse meralo e itseng esita le merero ya kaho pele a ka rarollwa. Le ha ho le jwalo, mofepedi o lokela hore a nahanele mosebedisi wa motlakase ha a sebetsana le yena mme ke ha feela mosebedisi wa motlakase a sa kgotsofale mofepedi a ka fetisetsang tletlebo eo ya mosebedisi wa motlakase ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOLAODI BA SETJHA (1).txt</fn>
Ke ntho ya bohlokwa hore ka mehla o lefe sekoloto sa hao sa motlakase ka botlalo. Hona ho tla etsa hore akhaonte ya hao e se salle morao. Hangata bareki ba rata ho lefa karolo ya palo ya tjhelete e batlehang, mme hona ba ho etsa ka mohopolo wa hore ba ke ke ba timelwa motlakase. Ha tjhelete e salletseng morao e sa leshwa ka botlalo kgweding e latelang, hoo ho tla eketsa bothata ba hore o kgone ho lefa sekoloto sa hao le ho etsa hore se salle morao.
O kotjwa hore o ele hloko hore ha feela o ntse o lefa karolo ya sekoloto sa hao hoo ho tla nne ho etse hore o kgaolelwe phepelo ya motlakase. Ka potlako feela ha o bona hore o ke ke wa kgona ho lefa tjhelete e salletseng morao akhaonteng ya hao, iteanye le bafepedi ba motlakase ba sebaka sa heno mme le rerisane hore o tla lefa sekoloto seo jwang.
Ho tla ba le tswala e lefiswang hodima palo yohle e batlehang kapa e salletseng morao, moo moreki a sa lefeng sekoloto sa hae sa motlakase ho hang, moo e lefang karolo feela ya sekoloto, kapa e lefang sekoloto ka mora letsatsi le behilweng. Hona ho tla eketsa sekoloto sa moreki hanyenyane.
Ha e be pejana o ile wa saena tumellano ya ho lefa sekoloto le mofepedi wa motlakase, ho a thusa ho phethisa tumellano eo. Ha o hloleha ho etsa jwalo, phepelo ya hao ya motlakase e tla kgaolwa. Le ha ho le jwalo, ha ho ka etseha hore maemo a fetohe a be mabe le ho feta ka mora hoba o saene tumellano, o lokela ho tsebisa mofepedi wa hao wa motlakase ka potlako. Ho ka batleha bopaki ba maemo ao a fetohileng.
Ha o na le metara e tlwaelehileng (eo hape e bitswang credit meter) o tla tshwanela ho lekola diyuniti tseo o di sebedisang le dipalo tsa teng kgafetsa. Tshupamolato efe kapa efe ya motlakase e lokela ho ba le palo ya pulo ya motlakase (e leng palo e nkuweng la ho qetela) le palo ya kwalo (e leng palo ya ha jwale). O tshwanela ho sheba hore na palo ya hao ya pulo ya kgwedi e tshwana le palo ya ho kwala ya kgwedi e fetileng. Ha palo tsena di sa tshwane, kopa tlhaloso ya hoo ho mofepedi wa wa motlakase. Dimetara le tsona ka nako e nngwe di etsa diphoso.
Lekola tefello ya hao ya yuniti: Ke ntho ya bohlokwa ho tseba hore mofepedi o lokela ho o lefisa bokae bakeng sa yuniti (kWh) ya motlakase oo o o sebedisitseng. Ha o sa tsebe botsa mofepedi wa hao wa motlakase kapa o ka iteanya le ba Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase ho fumana tsebiso e eketsehileng. Ha o batla ho tseba hore o lefisitswe bokae kgweding eo, o tla tshwanela ho arola palo e hlahisitsweng moo ka Diranta tlasa kholomo ya motlakase ka palo ya diyuniti tse ngotsweng ho tshupamolato ya hao. (Diyuniti tsena e tla ba phapang mahareng a palo ya pulo le ya kwalo). Palo eo o tla e fumana moo e tla ba yona tefiso ya yuniti e le nngwe.
Ha e be kgetho ya ho fetola ho tswa metareng e lefisang ka mora ho sebedisa motlakase ho ya ho e lefellwang pele o sebedisa motlakase e le teng, nahana ho fetohela ho yona. Hopola, ho tla hlokeha tjhelete ya ho fetolela. Tefiso e tla ya ka boholo ba matla (amperage) a phepelo ya hao ya motlakase.
Hona ho tla ho thusa hore o iketsetse ditekanyetso tsa motlakase oo o o sebedisang.
O ke ke wa tshwengwa ke taba ya hore akhaonte ya hao e tla salla morao.
O qoba ho kgaolelwa motlakase.
O kgona ho laola palo ya motlakase oo o o sebedisang.
Ha ho ka etseha hore akhaonte ya hao e salle morao o ka kotjwa hore o e lefe ka botlalo pele o ka fetohela metaraeng wa dikarata o lefellang motlakase pele o o sebedisa. Melemo ya nako e telele eo ho fanweng ka yona ka mona hodimo e feta tlhoko ena. Batlisisa ka leano le laolang ntlha ena ho tswa ho mofepedi wa hao. Hangata bafepedi ba bang ba batla hore moreki a kene tumellanong ya ho lefella sekoloto sa hae se salletseng morao ka ho ya ka nako eo ba tla dumellana ka yona ka bobedi ba bona.
Ho sebedisa motlakase wa hao hantle haholo ho tla thusa ho fokotsa ka moo o o sebedisang ka teng le ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi. Na hona o ka ho etsa jwang Ditofo, dikisara le dihitara ke tsona tse bopang karolo e kgolo ya ditefello tsa motlakase?
Ha o na le kisara etsa bonnete ba hore thermostat ya yona ha ya behwa hodimo. Yona e ka behwa ho +/- 60. O tla tshwanela ho fumana dikeletso ho tswa ho setsebi sa motlakase mabapi le hona.
Thibela ho tswa ha mofuthu kisareng: Ha o kgona, ho kwahela kisara le dipeipi hore di se ntshe mofuthu, hoo ho ka fokotsa tshebediso ya hao ya motlakase haholo. Le ha ho le jwalo, ho tla hlokeha tjhelete bakeng sa ho etsa hona.
Setofo: Etsa bonnete ba hore dipoleiti tsa setofo tsa hao ha di a kgantshwa tsa behwa hodimo kaofela ha tsona ka nako e le nngwe. O eletswa hore o behe dipoleiti tsa setofo sa hao tlase ka potlako hang ho ba pitsa e bele. O se ke wa sebedisa ovene ya hao jwalo ka hitara ka ha e ja motlakase o mongata.
Dihitara: Dihitara tsa motlakase di sebedisa motlakase o mongata. Ha o se na hitara ya kgase, o eletswa hore o mpe o kgantshe mola o le mong wa hitara ya hao ya motlakase. Mme ho a utlwahala hore hona ho tla nka nako e telele ho futhumatsa sebaka seo o leng ho sona.
Tshireletso ya mofuthu ka lapeng: Ho kwahela siling ya ntlo ho ka fokotsa haholo mofuthu hore o se tswe ka lapeng.
Mabone: Mabone a foloresente a fana ka kganya e sebedisang matla a manyenyane haholo.
O ka iteanya le mofepedi wa hao ha o batla ho tseba hape haholwanyane.
Molao wa Motlakase wa 1987 jwalo ka ha o fetotswe, o bolela hore mofepedi wa motlakase a ka kgaola phepelo ya motlakase ho moreki ha a sa lefa akhaonte ya hae kapa a sa latela maemo a behilweng a phepelo. Le ha ho le jwalo, molao o bolela hore mofepedi eo o lokela ho neha moreki tsebiso ya matsatsi a leshome le metso e mene pele a ka kgaola phepelo eo ya moreki.
Nako ena e qala ho tloha letsatsing le behilweng lengolong. Tsebiso eo ho fanweng hape ka yona akhaonteng ya kgwedi e nkuwa e amohelehile. Ka hoo bareki ba kotjwa ho ela hloko se ngotsweng diakhaonteng tsa bona.
Karolo e laolang tlha ena maemong a amohelehileng a Ditshebeletso tsa Bareki (NRS 047) e theilwe hodima karolo ya Molao wa Motlakase eo ho buuweng ka yona mona ka hodimo.
Hopola hore sebaka sa ho qala seo o ka yang ho sona ke ho mofepedi wa sebaka sa heno.
Moreki o na le tokelo ya ho tletleba ka boleng ba tshebeletso a e fuwang ke mofepedi wa sebaka sa bona.
Mofepedi wa sebaka o tlamehile ho mamela e be o nka mehato ka ditletlebo tsa hao.
Ha wena moreki o sa kgotsofala ka sephetho kapa mokgwa oo tletlebo ya hao e tshwerweng ka teng, o ka romela tletlebo eo Bolaoding ba Setjhaba ba Motlakase bakeng sa thuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOLAODI BA SETJHABA B.txt</fn>
Ho thakgolweng ha bona ka kgwedi ya Mmesa 1995, Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase (National Electricity Regulator NER) bo ile ba itlama ho ntshetsa pele phumantsho ya ditshebeletso ka hara Indasteri ya Phepelo ya Motlakase (IPM). Ho ile ha qetellwa ho hlahisitswe maemo a tshebeletso, mme a amohelwa ke Bolaodi hore a sebediswe ke bafepedi bohle ho etsa bonnete ba hore bareki, bonyane, ba tiisetswa ho fumana boemo bo itseng ba tshebeletso. O mong wa mesebetsi ya NER ha jwale ke ho lebela tshebetso ya bapefedi ha e bapiswa le maemo a amohelehileng?
Bolaodi hape bo lemohile hore bareki ba ka ba le seabo mokgeng ona wa taolo. Ho dumelwa hore ha bareki ba tseba ka maemo a amohelehileng a tshebeletso a kentsweng, ba tla kgona ho phepetsa bafepedi, mme ba be le tshusumetso ya hore ho be le phumantso e ntlafetseng ya ditshebeletso. Ka hoo, bareki, ba tshwanetse ho tseba maemo a tshebeletso eo ba lokelang ho e fumana. Ho fihlela ha jwale, NER e hlahisitse tokomane e balehang hantle hape eo bareki ba ka e utlwisisa ha bonolo, mme hona ba ho entse ho tswa ho eo e ntseng e le teng ntle le ho fetola moelelo wa yona.
Re tshepa hore bareki ba tla itlwaetsa maemo ao a amohelehileng a tshebeletso, mme ba thuse NER maikemisetsong a yona a ho lebela tshebetso ya bafepedi bohle ba fuweng dilaesense.
Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase (NER) ke kgale bo lemohile tlhokeho ya ho hlahisa maemo a amohelehileng a tshebeletso e nang le boleng indastering ya phepelo ya motlakase; maemo ao bareki ba motlakase mekgeng e fapaneng ya mebaraka ba ka a lebellang ka mokgwa o utlwahalang, mme le bafepedi ba phehelle ho a boloka.
Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore bafepedi ba boloka maemo ana a amohelehileng, selemo le selemo, ba tla lokela ho fana ka pehelo ho NER ka tshebetso ya bona moo e tla bapiswa le maemo a amohelehileng.
Sepheo sa bukana ena ke ho tsebisa bareki ba sebedisang motlakase o rekwang ka karata ka boleng ba tshebeletso eo ba ka e lebellang ho tswa ho bafepedi ba motlakase le ho neha bareki kutlwisiso e ntlafetseng ya NRS 047 jwalo ka ha e ba ama.
Dimetara tsa dikarata di dumella bareki ho reka motlakase pele ba o sebedisa ka palo tseo bona ba di batlang kapa tseo ba ka kgonang ho di reka. Hodima moo, bareki ha ba fumane diakhaonte tsa kgwedi le kgwedi tsa motlakase tseo ba ke keng ba kgona ho di lefa.
Bukana ena hape e beha le mekgwa ya tharollo e ka sebediswang ke bareki ha ho ka ba le ngangisano mahareng a bona le mofepedi mabapi le maemo a tshebeletso.
Ditshebeletso tse ikgethang tseo mofepedi a fanang ka tsona di tla ba feela ka tumellano mahareng a mofepedi le moreki, mme ha di laolwe ke NRS 04.
Le ha ho le jwalo, ho tshwanetswe hore ho tiisetswe hore NER e lebelletse moreki le mofepedi ya tshwanetseng ba leke ho rarolla dingangisano tse ka bang teng ka bobona, pele ba ka lebisa tletlebo ho NER.
NER ka tlwaelo e ke ke ya ameha ntle le haebe dingangisano tse jwalo ha di kgonwe ho rarollwa boemong ba selehae.
Mareo a mang a sebediswa haholo indastering ya phepelo ya motlakase, mme ho molemo hore bareki ba motlakase ba tsebe hore mareo ao a bolela eng.
Mofepedi: Bolaodi bo fuweng laesense ke NER hore bo fane ka/kapa bo abele motlakase.
Ho kgaolwa ha motlakase ka morero: Ho kgaola phepelo ya motlakase ka morero ke mofepedi ha a lokisa kapa a atolosa marangrang a motlakase.
Ho kgaolwa ha motlakase ka qobello: Kgaolo e etsahalang ka baka la phoso ho marangrang a motlakase, kapa ho sebedisa sebediswa se fosahetseng sa motlakase.
Marangrang a Mahaeng: Marangrang a fepelang dibaka tse sa teteanang tse jwalo ka tsa merabe ya mapolasing, moo hangata ho se nang dibopeho tsa motheo tse jwalo ka mebila.
Marangrang a Ditoropong: Marangrang a fepelang dibaka tse teteaneng tsa matlo moo hangata ho nang le dibopeho tsa motheo tse sebetsang hantle.
Phepelo ya Nakwana: Phepelo ya motlakase e fuwang moreki tlasa mabaka a sa tlwaelehang. Phepelo ena hangata ha e latele maemo a ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona ka tlwaelo.
Voltage e tlase: Hangata e sebediswa bakeng sa ho fepela badudi kapa bareki ba kgwebo tse nyenyane.
Voltage e hodimo: Hangata e sebedisetswa ho aba motlakase le ho fepela bareki ba diindasteri tse kgolo kapa ba dikgwebo tse kgolo.
Karata ya Motlakase: Karata e sebedisang dikhoutu eo moreki ya sebedisang metara wa dikarata a e sebedisang bakeng sa ho mo dumella ho fumana motlakase wa theko eo a e lefileng, mme hona ho etsuwa ka metara wa dikarata.
Metara wa Karata: Sesebediswa seo ho fanwang ka motlakase ka sona ka ho reka dikarata tsa motlakase pele o o sebedisa ka ditheko tse fapaneng.
Boleng ba Phepelo: Bonyane ba maemo a amohelehileng bakeng sa boleng ba phepelo ya motlakase bo jwalo ka maemo a di-voltage, ho kgaolwa ha phepelo ya motlakase, phallo, jj., jwalo ka ha bo hlalositswe Karolong ya 2 ya NRS 048.
Bareki ba nang le Dimetara tsa Mekitlane/Tse Tlwaelehileng: Bana ke bareki bao motlakase oo ba o sebedisang o lekangwang ka metara o balwang ke mofepedi e be ho romelwa diakhaonte ha morao.
Maemo a tshebeletso a behilweng Karolong ya 1 ya NRS 047 ke bonyane ba maemo a tshebeletso ao bafepedi ba tshwanetseng ho phehella ho a fihlela, le ha ho le jwalo, bafepedi ba kgothaletswa ho fana ka maemo a tshebeletso a ka hodimo ho na le ao a boletsweng bonyane.
Nqeng tseo mofepedi a sitiswang ho fihlella maemo a hlokehang a tshebeletso ka tlasa mabaka a ka nqane ho taolo ya hae, moo a ke ke a ba le boikarabelo ba ho se kgone ho fihlela maemo ao a boletsweng a tshebeletso. Mabaka ao ke a kenyelletsang ntwa, boshodu le sabotasi, seteraeke, dikotsi tsa makoloi le maemo a mabe haholo a lehodimo. Mabaka a boletsweng ha a fella, empa a bontsha feela ho utlwahala ha ona nqeng tse jwalo ka tseo.
Ha ho ka etseha hore ho be le ngangisano le moreki ka baka la boemo ba tshebeletso eo ho fanwang ka yona, hoo ho tla ba mahetleng a mofepedi ya amehang hore a leke ho rarolla taba eo ka ho rerisana le moreki eo. Mabapi le hona, hang ho ba ho romelwe tletlebo, mofepedi o lokela ho tsebisa moreki ka foramo, nako le sebaka seo ho tla etswa maiteko a ho rarolla taba eo.
Ho tshwanetswe ho tiisetswe tabeng ya hore NER yona e tla kena feela tabeng e jwalo ka eo haebe ditherisano di hloleha ho tla le tharollo ya taba eo.
Ke ntho ya bohlokwa hore bareki ba latele mekgwa ya tshebetso e behilweng ke bafepedi, ha ba fana ka tsebiso le ha ba tlatsa ditokomane dife kapa dife tse hlokehang, le hore ba lefe ditefello tsohle tse hlokehang.
Moo ho ka bang le ngangisano ka maemo a tshebeletso, mohlala, nepahalo ya metara ya moreki, ho a hlokeha hore moreki a lefe tefello e behilweng e leshwang pele ho ka shejwa bothata boo. Tjhelete ena o tla e fumana hape ha metara o ka fumanwa o sa sebetse hantle.
Moreki o lokela ho dumella mofepedi ho leka ho rarolla taba efe kapa efe sethathong, mme e be o romela taba eo ho NER haebe ba hlolehile ho fihlela tumellano.
Matsatsi a 10 a ho sebetsa moo marangrang a leng teng a sebediswang, mme ho sa hlokehe katoloso e nngwe ntle le mohala kapa mola o fepelang sebaka.
Kgwedi e le 1 moo voltage e tlase (voltage e sebedisetswang ho fepela dibaka tse tlwaelehileng tsa bodulo le dikgwebo tse nyenyane) kapa voltage e mahareng (voltage e sebedisetswang ho aba motlakase tikolohong) e hlokehang bakeng sa ho atolosa sebopeho se ntseng se le teng sa motheo.
Moo o lokelwang ho rera sebopeho se setjha sa motheo sa voltage e mahareng, moreki le mofepedi ba tshwanela ho rerisana ka bobedi ka nako ya ho fana ka ditekanyetso tsa ditefello.
Matsatsi a 30 a ho sebetsa moo marangrang a ntseng a leng teng a ka sebediswang.
Dikgwedi tse 2 moo dikatoloso tse ntjha tsa voltage e tlase kapa e mahareng di hlokehang ho tswa ho marangrang a ntseng a le teng a motlakase.
Moo ho ntseng ho kengwa sebopeho se setjha sa motheo sa voltage, moreki le mofepedi ba tshwanela ho rerisana ka bobedi ka nako eo ya ho kengwa hoo ha sebopeho seo.
Mofepedi o lokela ho etsa bonnete ba hore bareki bohle ba motlakase wa dikarata ba fumana tsebiso e itseng ya bohlokwa ka nako eo a ba hokelang tshebeletso ya hae. Hona ho tshwanetswe ho etsuwa ka ho sebedisa bukana e tshwanetseng e tla nehwa moreki ka yona nako eo.
Ditaelo tse felletseng tsa ka moo a lokelang ho sebedisa metara ona wa dikarata ka teng, mofuta wa karata ya motlakase e tla sebediswa le hore o tla e reka kae a be a e sebedise jwang, tefello e behilweng ya matla a motlakase, tefello e jwalo e behwe kapa e pepeswe sebakeng seo se rekisang dikarata, hore dibaka tse rekisang dikarata di ho kae le teng di kwalwa neng, dinomoro tsa thelefounu le diaterese tsa bao moreki a ka iteanyang le bona bakeng sa ho fumana tsebiso le ho botsisa ka metara ona wa dikarata, tsela e ka latelwang ha moreki a bona e ka ho na le bothata ka nepahalo ya metara wa karata le ditefiso tseo a di lefisitsweng ke mofepedi bakeng sa ho hlahloba nepahalo ya metara, tsela eo mofepedi a ka e nkang ha a sa kgone ho ya fihla metareng wa dikarata o ka hara sebaka sa moreki, mehato eo mofepedi a tla e nka ha a bona hore moreki o ile a henahenana kapa a sitisana le phepelo ya motlakase ka tsela efe kapa efe, le hore ke efe kotlo a tla fuwa yona, mokgwa wa ho kgaola tshebeletso ha moreki a kopa hore ho etswe jwalo, moo ho tshwanetseng, tsela ya ho ka kgona ho fumana ditjhelete tsohle tse salletseng morao tsa moreki.
Ho tshwanetswe ho elwa hloko hore ditjhelete tseo tse salletseng morao e ka nna ba di bakilwe ke ho hokelwa hape motlakase nakong e fetileng, kapa ka mora ho ba mofepedi a hlahlobe tshebediso ya matla a motlakase bakeng sa nako e itseng a fumana hore ho ne ho ntse ho henahenanwa le phepelo ya motlakase ka sepheo sa ho o fumana mahala.
Diphetoho tsa ditefello tsa motlakase bakeng sa bareki ba dimetara tsa dikarata di lokelwa ho bontshwa moreki ka ho di hlahisa dikarateng dibakeng tseo ho rekwang dikarata ho tsona ekasitana le ka mekgwa e meng e tshwanetseng.
Ho behwa ha metjhini e rekisang dikarata tsa motlakase mmoho le palo ya metjhini eo ho tla fanwa ka yona ho tla itshetleha haholo palong ya bongata ba bareki tikolohong e itseng. Ho hlakile, hore ha tikoloho e na le matlo a qhellaneng haholo, ha re sheba taba tsa ho boloka ditjhelete, moo hangata ha ho molemo hore mofepedi a fane ka motjhini o rekisang dikarata tsa motlakase tikolohong eo. Le ha ho le jwalo, jwalo ka tataiso e akaretsang, mofepedi a ka fana ka motjhini o rekisang dikarata tikolohong eo matlo a qhellaneng ka bohole ba dikilometara tse 5. Ha ho ka etsahala hore tikoloho eo e be le matlo a mangata a atametseng ho a mang, moo mofepedi a ka fana ka metjhini e mengatanyana e rekisang dikarata. Hape, tataiso e akaretsang monake ya hore, mofepedi o tla fana ka motjhini o le mong o rekisang dikarata bakeng sa bareki ba bang le ba bang ba 2000.
Ka baka la mofuta wa thekenoloji ya dimetara tsa dikarata, ke ntho ya bohlokwa hore bareki ba be le mokgwa o utlwahalang wa ho ka kgona ho reka dikarata tseo ba di hlokang tsa motlakase. Bafepedi ba bang ba fana ka metjhini ya othomatiki e sa hlokeng motho ya e laolang, moo bareki ba ka kgonang ho reka dikarata tsa bona nako efe kapa efe, bosiu kapa motsheare.
NRS 047 e laela hore, ha ho se na metjhini ya othomatiki ho tshwanetswe hore ho bulwe dibaka tse ding tse tla rekisa dikarata ka dihora tse tlwaelehileng tsa thekiso tsa hara beke, le ho tloha ka 08:00 ho ya ho 12:00 mafelong a beke le ka matsatsi a phomolo. Tsena ke bonyane ba dinako tse behuweng mme barekisi ba kgothaletswa ho ntlafatsa dinako tseo.
Le ha ho le jwalo, dibaka tse ding tse rekisang dikarata di ka fapana le tse ding ka dihora tsa ho bula, mme e ka nna ba ha di bule ka matsatsi a mang a itseng, ha fela ho na le dibaka tse ding tse sebetsang tse butseng haufinyane.
Moreki ya sebedisang motlakase wa karata a ka kopa mofepedi ho hlahloba nepahalo ya metara, mme bakeng sa kopo eo a lefe tjhelete e behilweng ya ho hlahloba.
Tjhelete ena o tla e kgutlisetswa ha ho ka fumanwa hore metara o na le phoso. Bareki hape ba tshwanela ho tseba hore ditjeo tsa yuniti ya eneji ya motlakase (kilowatt ka hora) e sebedisitsweng metareng wa dikarata hangata e ba hodimo ho ena le eneji e sebedisitsweng metareng o tlwaelehileng.
Mofepedi o tshwanela ho phetha hlahlobo ya metara ya ho bona hore na o nepahetse matsatsing a 15 a ho sebetsa hang ho ba moreki a lefe tjhelete eo e behilweng, mme hape o lokela ho hlophisa ho transfera kapa ho kgutlisa tjhelete efe kapa efe e setseng metareng oo o hlahlojwang.
Dimetara tsa motlakase wa dikarata mmoho le disebediswa tse amanang le tsona ke tsa mofepedi, mme moo mofepedi o na le tokelo le tshwanelo ya ho hlahloba sesebediswa se sebakeng sa moreki nakong efe kapa efe e utlwahalang. Ka hoo bareki ba tshwanela ho dumella mofepedi, kapa batho ba kgethuweng ke mofepedi, hore ba kgone ho kena, mme ba hlahlobe disebediswa tseo.
Mofepedi kapa bao a tla ba kgetha ba tla tshwanela ho tshwara dintho tsa boitsebiso ka dinako tsohle, mme bareki bona ba ka kopa ho bona dintho tseo tsa boitsebiso pele ba ba dumella ho kena dibakeng tsa bona. Moo ho entsweng maiteko a utlwahalang a ho kena sebakeng mme ha se kgonehe, mofepedi a ka kgaola phepelo ya motlakase ka mora ho ba a nehe moreki temoso e ngotsweng fatshe.
Jwalo ka ha ho boletswe pejana, moreki a ka kopa ho kgaolelwa tshebeletso ya phepelo ya motlakase wa karata tlasa mabaka a fapaneng. Mabaka a jwalo a ka kenyelletsa katoloso kapa diphetolo tse etsuwang sebakeng sa moreki kapa ho tjhentjwa sebaka seo metara wa karata o leng ho sona.
Ha a se a fumane kopo ya ho hokelwa hape phepelong, mofepedi yena o tla ba le matsatsi a mabedi a ho sebetsa bakeng sa ho phetha mosebetsi oo. Moreki o lokela ho ela hloko hore kopo ena ha e sebetse haebe phepelo e kgaotswe hobane moreki a ile a henahenana le mehala ya motlakase ka sepheo sa ho fumana motlakase mahala.
Kgaolo ya phepelo ya motlakase e sa rerwang, e leng ho timelwa ke motlakase ka baka la diphoso ho marangrang a motlakase tse ka bakwang ke difefo, ho senyeha ha disebediswa tsa motlakase, jwalo-jwalo, ke ntho e etsahalang nako le nako. Tlasa mabaka ana mofepedi ha a na boikarabelo tsekong efe kapa efe ya ho kgaoha ha motlakase ntle le haebe ho ka hlahiswa bopaki ba hore mofepedi o bile bohlaswa ka tsela e itseng. Bohlaswa boo e ka ba ba ho se boloke marangrang a hlokometswe ka tshwanelo. Ke ntho ya bohlokwa, haholoholo ha moreki a ka senyehelwa ke dintho ka ho bola kapa a senyehelwa ke sesebediswa sa motlakase ka baka la ho kgaoha ha phepelo, hore a ngole fatshe letsatsi, nako le bolelele ba phoso eo e be o iteanya le mofepedi ka potlako.
Tekanyetso ya ho kgaoha hoo, le dinako tsa ho hokela phepelo hape, di tla itshetleha hodima mofuta wa marangrang a phepelo. Mohlala, moreki a ka fepelwa ka marangrang a ditoropong a hoketsweng hantle haholo le a mang, mme yena e be o lebella ho kgaoha ho mmalwa ha phepelo le hore a hokelwe hape ka potlako ho feta moreki ya fumanang phepelo ya hae ho marangrang a mahaeng moo ho se nang mela e mengata e hoketsweng mmoho le e meng e ka e thusang.
Tekanyetso ya diphoso e amanang le dinako tsa ho hokelwa hape e tla nne e fapane le dibakeng tsa ditoropo, mme hona ho ya ka hore na marangrang a motlakase a tsamaya ka hodimo kapa ka tlase. Le ha ho le jwalo, bongata ba marangrang a dibakeng tsa mahae a tsamaya ka hodimo.
Ha moreki a angwa kgafetsa ke ho kgaolwa hona hwa motlakase ho sa rerwang, o lokela ho ngola fatshe matsatsi, nako le bolelele ba diketsahalo tseo e be o tsebisa mofepedi. Ha ho sa be le ntlafatso ya seo se ntseng se etsahala, moreki a ka romela taba eo ho NER. (Sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona ka morao bukaneng ena).
Mofepedi o tshwanetse ho fana ka tshebeletso ya dihora tse 24 ya moo ho letsetswang teng hore bareki ba tlalehe phoso efe kapa efe e ka bang teng, mme phoso ka nngwe e tlalehilweng e tshwanelwa ho nehwa nomoro ya yona ya referense e sa tshwaneng le ya tse ding hore moreki a tle a kgone ho latella taba ya hae ha ho hlokeha.
Mofuta wa diphoso o fapana haholo, mme ka dinako tse ding ho a kgoneha ho neha bareki tekanyetso e lekaneng ya nako e hlokehang bakeng sa ho hokela phepelo ya motlakase hape. Le ha ho le jwalo, moreki a ka dula a na le tiisetso ya hore diphoso tsohle di tla lokiswa, mme phepelo e boele e kgutliswe dihoreng tse mashome a mabedi a metso e mene, ntle le tlasa mabaka a sa tlwaelehang.
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a sa feteng a 6 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 12 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a fetang a 4 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 12 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a sa feteng a 10 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 20 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a fetang a 4 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 30 selemong seo.
Bareki bana ha ba tshwanela ho kgaolelwa phepelo ya motlakase ka makgetlo a fetang a 60 ka selemo, mme palo yohle ya nako eo ba se nang motlakase ka yona e se ke ya feta dihora tse 200.
Ho tshwanetswe ho lemohuwa hore palo ya dikgaolo tsa qobello sehlopheng sena sa ho qetela sa bareki e hodimo haholo ho feta dihlopha tse ding ka baka la hobane dibakeng tsa mahae mela e hodimo e tobana le maemo a mabe haholo a lehodimo, mme le marangrang ka kakaretso ha a na mehlodi e meng e ka a thusang bakeng sa phepelo.
Ka kakaretso bafepedi ba na le dibaka tseo ba di behang ka hodimodimo lenaneng la bareki bakeng sa dintho tse ka etsahalang ka tshohanyetso ha ho tluwa tabeng ya ho hokelwa hape phepelo ya motlakase ka mora ho kgaolelwa phepelo ka qobello. Dipetlele, ditleliniki le diphaposi tseo ho etsetswang dioporeishene ho tsona, ke tsona tse behwang ka hodimodimo lenaneng ha ho se ho kgutliswa phepelo ya motlakase.
Bakeng sa ho boloka kapa ho atolosa marangrang a motlakase, mofepedi ka dinako tse ding o lokela ho tima phepelo ya motlakase o yang sebakeng sa moreki. Hangata mofepedi o tshwanela ho tsebisa moreki ka tsebiso ya bonyane dihora tse 48 ka maikemisetso a hae a ho tima phepelo. Mofepedi o tla sebedisa diphatlalatsi tse tshwanetseng ho tsebisa bareki ka mohla, nako le bolelele ba kgaolo eo e rerilweng, empa, ha hona ho sa etsuwe, moreki a ka tletleba ho mofepedi, a mmolelle ka maemo a amohelehileng ao ho dumellanweng ka ona. Hona ha ho sebetse haebe ho na le tokiso e potlakileng e lokelwang ho etswa e jwalo ka maemo a ka bang kotsi, kapa ho hlokahala ha batho, kapa haebe tieho ya ho etsa hoo e ka baka tshenyo e kgolo ya marangrang.
Bareki ba nang le metjhini e sebediswang ho tshehetsa bophelo malapeng a bona ba lokela ho iteanya le mofepedi wa bona bakeng sa ho etsa ditlhophiso tse ikgethang.
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a sa feteng a 2 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang le le 1 selemong se seng le se seng sa bobedi, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang a 3 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang le le 1 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba bangata ba nyahama ha ba leka ho rarollelwa mathata kapa ha ba leka ho fumana dintlha tse mabapi le taba e itseng.
Bafepedi ba tshwanela ho leka ho rarolla ka potlako bongata ba ditletlebo tse akaretsang tseo ba di fumanang ka mehala kapa ka seqo sa bona, ka ho bua ka ho toba le motho, ntle le ho romela taba mothong e mong.
Ha ho ka hlokeha hore ho etswe diphuputso, motho ya tletlebang o tshwanela ho tsebiswa ka hona ka ho ngollwa matsatsing a 2 a tshebetso, mme bothata boo bo rarollwe dibekeng tse 2.
Mofepedi hape o tla leka ho rarolla dipotso tsohle tsa moreki tse mabapi le ditsebiso le dikeletso, mme hona a ho etsa ka potlako ka seqo sa hae ntle ho romela moreki mothong e mong.
Mofepedi, ha a fumana dipotso ka mohala kapa a fuwa tsona ka seqo sa hae ke moreki, mme moo dipotso tseo di hlokang diphuputso, o lokela ho araba moreki matsatsing a 5 a tshebetso.
Dipotso tse ngotsweng fatshe tse tshwanang tse hlahang ho moreki di lokelwa ho rarollwa dibekeng tse 3.
Ka mora ho fumana kopo e ngotsweng fatshe e amanang le tshebeletso eo ka tlwaelo mofepedi a fanang ka yona, mofepedi o lokela ho araba ka ho ngolla moreki nakong ya dibeke tse 2.
E re ka ha NRS 047 e shebane le boleng ba tshebeletso e hlahang ho bafepedi ho ya bareking ba bona, NRS 048 yona e shebane le boleng ba sebele ba phepelo ya motlakase ho ya bareking.
Bareki ba dimetara tse sebedisang dikarata hangata ba tla lebana le ditaba tse jwalo ka tsa phepelo ya voltage e hodimo kapa e tlase, le ho kgaolelwa motlakase ka qobello kapa ka mokgwa o rerilweng. Nako e tla nkuwa bakeng sa ho lokisa ditletlebo tse jwalo jwale e se e wela tlasa NRS 047.
Hape, ho toboketsa taba ena, moreki o tshwanela ho neha mofepedi nako e utlwahalang ya ho rarolla bothata bo leng teng. Mathata a mang a ka hloka hore mofepedi a etse dihlahlobo tse kenelletseng, a rere a be a etse le mosebetsi o o tla ho thiusa pele a rarollwa. Le ha ho le jwalo, bafepedi ba lokela ho etsa dintho ka tsela e utlwahalang ha ba sebetsana le bareki, mme ke feela ha moreki a sa kgotsofale ka se entsweng ke mofepedi, moo taba e ka romelwang ho NER.
Jwalo ka ha ho boletswe pejana, bareki bohle ba sebedisang motlakase wa dikarata ba tshwanetswe ho rutwa ka polokeho le tshebediso e bolokang tjhelete ya motlakase. NER e lemohile hona, mme ho tla kenyelletswa ditataiso tse mabapi le thuto eo ho NRS 047 ha morao. Ditaba tse ding tse mabapi le thuto le tsebiso di se di hlalositswe dikarolong tse fetileng. Le ha ho le jwalo, bafepedi bohle ba motlakase ba na le boikarabelo ba ho ruta bareki ba bona ditabeng tse amanang le polokeho le tshebediso e ntle ya motlakase, mme ba lokela le ho thusa bareki ka ho hlahisa dibukana le diphamfolete tse tshwanetseng, le ka ho etela dikolong le merabeng.
Hape, NER e lemohile hore bareki ba bangata ba motlakase wa dikarata ha ba na dibaka tseo ba ka iteanyang le mofepedi, kapa ba hloka le yona tshepo ya ho iteanya le mofepedi ka ho toba mabapi le mathata ao ba bang le ona. NER e kgothaletsa ho hlongwa ha diforamo tsa bareki, moo bareki ba tla hlahisa mathata le matshwenyeho a bona. Ditataiso mabapi le hona di fumaneha ho NER. (Sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
<fn>sot_Article_National Language Services_BOLAODI BO IKEMETSENG.txt</fn>
Ke lefapha la mmuso le ileng la thehwa ka Mmesa wa 1997 ho fuputsa ditletlebo tsa tshwaro e mpe, tlolo ya molao le boitswaro bo bobe ba ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (DSAB), le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Masepala (DSM).
Bo sebetsa ka boikemelo, e seng tlasa DSAB diphuputsong tse phethahetseng tsa menyenyetsi ya boitshwaro bo bobe le tlolo ya molao ya ditho tsa DSAB. Morero wa bona ke ho kgothalletsa boitshwaro bo loketseng ba sepolesa.
mafu a batho ba ditlamong tsa sepolesa kapa a bakilweng ke diketso tsa sepolesa (tse kang ho thunya le ho teteka).
seabo sa ditho tsa DSAB diketsong tsa tlolo ya molao tse kang ho teteka, ho utswa, boqhekanyetsi, botlatlapi, peto le tlolo ya molao e nngwe le ha e le efe.
boitshwaro ba sepolesa bo thibetsweng ho latela Ditsamaiso tse Hlonngweng tsa DSAB kapa Melawana ya Sepolesa, tse kang ho se etse mosebetsi kapa ho hloleha ho petha ho ya ka Melawana ya Boitshwaro ya sepolesa.
ho se kgotsofale/tletlebo ka tshebetsoletso tse mpe tse fanwang ke sepolesa.
ho hloleha ho thusa kapa ho sirelletsa diphofu tsa dikgoka ka malapeng jwalo ka ha e le pehelo ya Molao wa Tshebediso ya Dikgoka ka Malapeng (MTDM).
ditletlebo tse hlahelletseng pele e tjhewa, ke hore, pele ho Mmesa wa 1997 le tse etsahetseng selemo pele di tlalehelwa DBI, ntle le maemong a ikgethang.
ditletlebo kgahlano le basebetsi ba Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, bahlanka ba makgotla a dinyewe, le ditho tsa Lebotho la Naha la Tshirelletso la Afrika Borwa.
Motho mang kapa mang, e leng phofu, paki kapa moemedi.
Mekgatlo eo e seng ya mmuso le mekgatlo ya setjhaba.
Tletlebo e ka kenngwa ke motho, ka mohala, ka lengolo kapa poso ya e kantorong le ha e le efe ya BID. Motletlebi o tla lokela ho tlatsa foromo ya tletlebo (Foromo ya 1), e ka fumanwang kantorong le ha e le efe ya BID. Foromo ya 1 e a fumanehang atereseng ya websaete: http:www.icd.gov.
<fn>sot_Article_National Language Services_BONONO BA MAHLO.txt</fn>
Bodulo projeke le?
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOPAKI BA TUMELLANO.txt</fn>
e emetsweng ke...
boemong ba hae e le...
Nomoro ya boitsebiso...
se hole le SEBAKA SA TSHEBETSO.
MODUMELLANI ka boyena o tla sebeletsa SAPS boemong ba hae e le moetsa-selekane ya ikemetseng, le ka ho ikgetha boemong ba hae e le...
MODUMELLANI, ka baka la tumellano ena, a ke ke a labella ka molao ho ntjhafatswa ha TUMELLANO ena, kapa ho kenngwa mosebetsing boemong bofe kapa bofe e le mosebeletsi wa SAPS.
MAHLAKORE a dumellana ka ho ikgetha hore ha ho kenwe selekaneng le MODUMELLANI boemong ba hae e le mosebeletsi ho ya ka TUMELLANO ena, mme ha ho kamano ya bosebeletsi e teng pakeng tsa MODUMELLANI le SAPS ka baka la TUMELLANO ena.
Ntle le tse fuperweng ke temana ya 1.1 e fetileng le ho ya ka tse fuprweng ke ditemana tsa 5 le 9 tse tlang MODUMELLANI o tla sebelletsa SAPS ka nako le ho ya ka dipehelo tse behilweng ke SAPS bakeng sa nako e lekantsweng ya , ho tloha letsatsing leo TUMELLANO ena e qalang ka lona. (bona Temana ya 12.1 e tlang).
Mesebetsi e tlamang MODUMELLANI e tla kenyelletsa ho etsa mosebetsiofe kapa ofe wa matsoho oo e leng karolo, mme ho utlwisiswa hore o amana le mesebetsi e tlamang MODUMELLANI.
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebelletsa SAPS (bona Temana tsa 3.1 3.2 tse fetileng) matsatsi a mahlano ka beke. Ka kutlwisiso ya hore MODUMELLANI a ke ke a fumaneha le ho sebelletsa SAPS ka boMoqebelo le Sonataha kapa ka matsatsi a phomolo ya setjhaba?
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebetsa ho ya ka lenane-tlhophiso le hlomathisitsweng mona e le sehlomathiso sa A.
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya phomolo kapa matsatsi a ho ba siyo mosebetsing a lefshwang ho ya ka TUMELLANO ena.
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya mofuta ofe kapa ofe wa lefi ho ya ka TUMELLANO ena.
SAPS e tla jara boikarabelo ba ho tsamaisa MODUMELLANI ka sepalangwang ho ya le ho kgutla SEBAKENG SA TSHEBETSO e le hore a phethe mosebetsi wa hae (bona Temana tsa 3.1 3.2 tse fetileng) ho ya ka TUMELLANO ena?
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya monyetla ofe kapa ofe ho ya ka inshorense efe kapa efe ya ho kula, ya penshene kapa ya ho hloka mosebetsi.
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebelletsa SAPS, mme o tla etsa mosebetsi o mo tlamang ho ya ka TUMELLANO ena ka botshepehi, ka makgethe, ka nako le nako le ka bokgoni bohle ba hae.
SAPS e tla lefela MODUMELLANI ho fumaneha le ho e sebelletsa tefo ya selekane ho ya ka tekanyetso ya (R ... - ...) diranta ka hora (ho kenyelletswa le lekgetho la thekiso): Ka kutlwisiso ya hore nako le nako, ho ya ka boinahanelo ba yona SAPS e ka eketsa tefo ya selekane ha e isa tekanyetsong e hodingwana ka hora.
Tefo e jwalo e lefshwa kgwedi le kgwedi ka mora ho sebetsa, mme e lefshwa ka tjhelete ya Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Tefo e boletsweng ya selekane (bona Temana ya 10.1 e fetileng) e emela tefo yohle le ditlhoko tsohle tsa MODUMELLANI: ka kutlwisiso ya hore dikgulelo tsohle tse hlokahalang ho ya ka Molao ofe kapa ofe di tla hulwa tefong ya MODUMELLANI.
Mona MODUMELLANI o itlama ho se behe SAPS molato mabapi le tshenyehelo kapa tahlehelo efe kapa efe e ka bakwang ke ho tswa kotsi, ho shwa, ho lahlehelwa kappa ho senyehelwa ke thepa ho bakilweng kapa ho sa bakwang ke SAPS kappa motho wa boraro le ha ho bakilwe kapa e le mabapi le bohlaswa bofe kapa bofe bo bileng teng ka taelo kappa ka baka la setho sa SAPS; mme hape o itlama ho se behe SAPS molato mabapiu le tahlehelo, tshenyehelo, tshebediso ya tjhelete kappa ditjeho tse amanng le kapa tse hlahisitsweng ke ho ba lekgotleng la dinyewe leo MODUMELLANI a ka iphumanang a le ho lona le boemo boo qoso efe kapa efe, tseko kapa nyewe e ka qhomang ho bona.
TUMELLANO ena e tla qala ho sebetsa mme e tla ba le matla le hona ho tlama ho tloha letsatsing leo TUMELLANO ena e saennweng ka lona. Ka kutlwisiso ya hore ha ho ka etsahala hore TUMELLANO e se saenelwe ke MAHLAKORE ka bobedi ka nako e le nngwe, letsatsi leo lehlakore la ho qetela le saenneng ka lona le tla nkuwa e le lona leo tumellano e bang le matla ka lona.
TUMELLANO ena, ho itshetlehilwe ka Temana ya 13.2 le tsa 14.2 14.3 tse tlang e tla tswela pele nako e lekantsweng (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha mohla TUMELLANO ena e bang le matla (bona Temana ya 12.1 e fetileng)?
TUMELLANO ena e ka ntjhafatswa nako eo bolelele ba yona bo behilweng ho ya ka boinahanelo ba SAPS e fumane tumello e ngotsweng ya MODUMELLANI: Ka kutlwisiso ya hore SAPS e tla fana ka tlhokomediso e ngotsweng ya ho ntjhafatsa TUMELLANO, e nang le diphetoho tse hlokahalang pele ho MODUMELLANI jwalo ka ha ho boletswe Temaneng ya 13.2 e fetileng, pele TUMELLANO e fela (bona Temana ya 3.1 e fetileng).
Dikahare tsa TUMELLANO ena e tla nne e be dikahare tsa tumellano e tla beng e ntjhafaditswe ho ya ka Temana ya 13.2 e fetileng.
Ho ya ka Temana ya 13.2 e fetileng le Ditemana tsa 14.2 14.3 tse tlang TUMELLANO ena e tla iphella ka boyona ha nako e behilweng e fela (bona Temana ya 3.1 e fetileng)?
Ha TUMELLANO ena e ka fela nakong ya dibeke tsa khalendara tse pedi (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha mohla TUMELLANO e qalang (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala tlhokomediso ya letsatsi le le leng.
Ha TUMELLANO ena e ka fela ka mora dibeke tsa khalendara tse pedi (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng), empa pele ho feta kgwedi e le nngwe ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala nako ya tlhokomediso ya dibeke tsa khalendara tse pedi.
Ha TUMELLANO ena e ka fela ka mora kgwedi ya khalendara e le nngwe ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala nako ya tlhokomediso ya kgwedi ya khalendara e le nngwe.
Ka kutlwisiso ya hore SAPS, tlasa maemo a ikgethang, e ka amohela nako ya tlhokomediso e kgutshwanyane ho e badilweng.
Lehlakore ka leng TUMELLANONG ena le ka fedisa TUMELLANO ena hang ntle le therisano ha lehlakore le leng le tlola pehelo ya TUMELLANO ena. Ka kutlwisiso ya hore lehlakore le boletsweng pele le tla fa le leng tlhokomediso ya tlolo e ngotsweng, mme ha tlolo eo e sa lokiswe matsatsing a mahlano ho tloha mohla le fumanang tlhokomediso.
Kutlwisiso ya ditemana tsa TUMELLANO ena e tla laolwa ke molao o sebediswang Riphaboliking ya Afrika Borwa.
Dihlooho tsa ditemana tsa TUMELLANO ena di etseditswe ho tshwaya feela, mme ka hoo dihlooho ha se karolo ya kappa ha di ame popo kappa kutlwisiso ya ditemana tseo ka tsela efe kappa efe.
Ntle le moo kganyetso e bonahalang kappa ntle le ha ho se tumellano le maemo a ditaba, bonngwe bo tla kenyelletsa le bongata, mme botana bo tla kenyelletsa le botshehadi, ho tla ba jwalo le ha ho fetolwa.
TUMELLANO ena e akaretsa tumellano ka botlalo pakeng tsa MAHLAKORE ohle mme e okamela ditumellano tseo ebang di bile teng pejana pakeng tsa MAHLAKORE mabapi le ditaba tse ka hara yona.
MAHLAKORE a dumellana hore ha ho ho fetolwa, ho eketswa, ho phumolwa kappa ho qaptjwa botjha ha tumellano ena yohle kapa lentswe kappa sebopeho ho tla ba le matla ntle le ho ngolwa fatshe le ho saenelwa ke MAHLAKORE ka bobedi kapa baemedi ba ona ba nang le tokelo.
Ha ho kameho kapa boitlamo bofe kapa bofe bo tla etswa ke lehlakore le leng bo tla ama ditokelo tsa lehlakore leo tlasa TUMELLANO ena, mme lehlakore leo le ke ke la amohuwa ditokelo tsa lona lehlakoreng le leng ka baka la ho kena kamehong e jwalo nakong e fetileng kappa e tlang.
MAHLAKORE a dumellana ho sebelletswa ke Karolo ya Profensi ya Transvaal ya Lekgotla le leholo la Dinyewe la Afrika Borwa (kapa karolo ya mofuta o jwalo eo ka nako e tlang e ka nkang boikarabelo ba moo Karolo ya Profensi ya Transvaal e nang le matla tlasa karolo ya setereka sa maseterata wa Pretoria, Afrika borwa) bakeng sa nyewe kapa tseko e ka hlahang ka baka la TUMELLANO ena.
Ka kutlwisiso ya hore aterese e ngotsweng ka hodimo e ka fetolwa ka tlhokomediso e ngolletsweng lehlakore le leng, mme e tla ba le matla matsatsi a leshome a tshebetso ka mora ho fana ka tlhokomediso: Ka kutlwisiso hape ya hore aterese e ntjha eo lehlakore le e kgethileng e tla ba kapa e tla kenyelletsa aterese ya bodulo eo ho ka ikiswang, ha romelwa mangolo kapa melaetsa.
Tlhokomediso efe kapa efe e etswang mabapi le TUMELLANO ena e ka iswa ka letsoho kapa ya romelwa ka poso e ngodisitsweng le ho lefellwa: Ka kutlwisiso ya hore tlhokomediso efe kappa efe mohato ofe kappa ofe o romelletsweng ke lehlakore lefe kapa lefe mabapi le taba efe kapa efe e tswetsweng ke TUMELLANO ena e tla nkwa e rometswe ha e nehilwe motho ofe kapa ofe ya nang le boikarabelo sebakeng sa bodulo le ho fumanwa se kgethilweng ke lehlakore lefe kapa lefe, mme ho ke ke ha hlokahala hore lengolo leo kapa tlhokomediso eo e fuwe lehlakore lefe kapa lefe matsohong.
Tlhokomediso eo ho fanweng ka yona ho ya ka moo ho hlalositsweng ka hodimo e tla nkwa e rometswe?
mohla letsatsi leo e isitsweng ebang e rometswe ka letsoho letsatsing la bosupa ho tloha mohla e positsweng, ho kenyelletswa le letsatsi leo e positsweng ka lona, ebang e positswe ka lengolo le ngodisitsweng ebile le lefelletswe, mohla feks e rometsweng ebang e rometswe ka feks.
Mohato ofe kapa ofe wa tseko kgahlanong le SAPS o lokela ho etswa ho ya ka karolo e nepahetseng, mme e lokelang ya Molao wa Afrika Borwa wa Sepolesa wa 1995 (Molao wa 68 wa 1995) kapa melao e o hlahlamang.
E ENTSWE LE HO SAENELWA KE MAHLAKORE A TUMELLANO ena dibakeng le matsatsing a ngotsweng pela mabitso a bona ka tatelano.
E SAENNWE lebitsong la SAPS mohla letsatsi la ... la ... 20...
Hore, dikahare tsa TUMELLANO ena di hlaloseditswe MODUMELLANI.
Hore, MODUMELLANI o dumela hore e utlwisisa dikahare tsa TUMELLANO ena.
Hore MODUMELLANI o saenne TUMELLANO ena ke le teng, a e saenela mohla letsatsi la ... la ... 20...
Hore ke toloketswe le ho hlalosetswa dikahare tsa tumellano ena ke MOHLALOSETSI.
Hore ke dumela hore ke utlwisisa dikahare tsa tumellano ena.
E SAENNWE ke MODUMELLANI...
Mohla letsatsi la la ... 20...
<fn>sot_Article_National Language Services_BOPHELO BA HAO BO (1).txt</fn>
Jwalo ka Maafrikaborwa, re na le mosebetsi o moholo oo re ka o etsang wa ho boloka bophelo ba rona. Re na le ditokelo le boikarabelo mabapi le taba ena, mme tsena di ngotswe Tjhateng ya Ditokelo ya Batswadi ya Setjhaba.
Mathata a mngata a bophelo bo bottle a bakwa ke boikgethelo ba rona ba ho pehla, jwalo ka ho se je hnatle ho kenyeletsang mafura, letswai le tswekere tse ngata, ho tsuba, ho nwa jwala ho feta tekano, ho ba letsatsing ka ntle ho ho sebedisa ditlolo le tse tshasang ho re sireletsa leseding la mahlasedi a altra, ho tsuba dithethefatsi le dintho tse kotsi tse ding, le ho hloka boikarabelo ho tsa thobalano.
Re a tseba hore boitshwaro bo kotsi bo bong bo ka ama bophelo ba rona ka ho otloloha. Re lokela ho ikarabella ho tseo re di etsang. Re lokela ho amohela hore mokgwa oo re pahelang ka ona o kotsi o ama maphelo a balelapa le metswalle ka ho otloloha kapa tse la e nngwe.
Mokgwa o molemo ke ho thibela mahloko a tswelang pele a ka moo repahelang ka teng ka ho phela hantle pele, e le ho fokotsa dikotsi tsa bopelo bo bottle. Hona ho ka etsahala ka ho ikgethela bophelo bo bottle. Re lokela hore re hlokomele haholo ka dikotsi tse ka bang teng tse ka fetolwang, mme tsena di ngotswe ka lenane theiboleng, ha mmoho le diketso tse hlokwang ho fihlella le ntshetsa pele ho phela hantle.
E mong le e mong o lokela ho dula a le hlwahlwa ho ka lemoha matshwao le ditshupiso tse bontshang mathata a bopehlo bo bottle, kapa a ka bang teng. Ka tsela ena, e ka ba taba ya bohlokwa ho ya dibakeng tsa thuso ya bophelo bo bottle ho ya batla keletso ka nako ho moprofeshenale wa tlhokomelo wa bopehlo bo bottle.
Hlahlobo ya ha bohloko bo qala le phekolo ya moprofeshenale wa tlhokomelo ya bophelo bo bottle, ha mmoho le phekolo e hlophisitsweng ka thata ho ya ka tseo e seng meriana le merina, ho tla bolela hore boemo kapa bohloko bo tswelang pele bo k eke ba ata, mme mathata a ka qojwa.
Bala o be o utlwisise dileibole tsa dijo tsohle ho kenyeletswa le tsa dikotikoti.
Enwa metsi a lekaneng.
Eja mafura a manyenyane, haholoholo a diphoofolo le a meroho e thata.
Tlosa mafura a bonahalang naming pele o pheha.
Tlosa letlalo la kgoho pehele o e pheha.
Pheha ka disebediswa tsa mafura a seng mangata.
Fokotsa letswai ho fihlela bonyaneng ba 5m ka letsatsi (fokotsa ho ja letswai ho dumella dintlha tsa tatso ho itlwaetsa).
O se ke wa tshela letswai ka mora hoba o phehe dijo.
Hanan le dijo tse nang le letswai kapa diseneke, ho knyeletswa le dijo tse sitsweng le tjhisi, disopo tsa diphuthelwana, dikube tsa dithutswana, ditlhefetsi tse ding, bohobe.
Tlosa letswai lefe kappa lefe le bonahalang dijong ha letswai le ile la sebedisetswa ho boloka dijo.
Sebedisa letswai la sodiamo e tlase kapa le se nang sodiamo ho hang feela.
Sebedisa ditlamatlama, dinoko, lero la lemono ha o pheha ho e na le letswai.
Fokotsa ho ja tswekere "ho hang feela" ho fihlela boemong bo sa feteng 40gm ka letsatsi (boemo ba 8 ba dithisipune).
Fokotsa ho ja dijo le dino tse nang le tswekere.
Sebedisa dijo tse sa sebetswang.
Sebedisa mefuta e fapaneng ya dijo, ka ditholwana tse ntjha haholo le meroho ya mahlaku tse tala.
Fokotsa boima ha eba o na le boima boboholo (boholo ba dikotsi tse tsamaelanang le ho ba le boima bo hodimo kappa ho ba motenya bo ka fokotswa le bona).
Sebedisa lebanta le le leng e le lona le o tataisang - ha eba le lokela hore le lokiswe hore le be leholo, o se o ekeditse boima ba hao, mme o lokela ho ja hanyenyane, mme o ithapolle haholo.
Tsamaya ka matla ka metsotso e Â± 30 ka letsatsi le leng le le leng.
Sebedisa ditepese e seng dilifiti.
Tlola kgathi ka metsotso e 10 ka letsatsi le leng le le leng.
Etsa dihlakiso ha o sa ntse o dutse setulong kappa o robetse mealong ha o sa tsebe ho tsamaya.
Theoha bese/tekesi boloko pele o fihla mosebetsing wa hao kappa shopong eo o batlang ho ya ho yona , mme o tsamaye boloko bo bong hape.
O se ke wa dula nako e telele (eya diofising tse ding ho e na le hore o foune).
Qoba ho nwa tahi e ngata haholo ho feta tekano - Basadi ba se ke ba nwa ka moo ho behetsweng ka teng ho feta 1 ya tahi le ho feta ho behelwa ha ho feta ho nwa ha 2 tahi ka dihora tse 24.
Qoba ho nwa tahi ho hang feela.
Iphapanyetse ho qala ka thobalano ka moo o ka kgonang ka teng.
Phema thobalano ka ditsela tsohle haholo ka ntle ho eo o itlwanang le yena.
Phema thobalano le balekane ba bangata.
Sebedisa dithibela, mohlala, dikhondomo.
Hlwekisa meneo habedi ka letsatsi le leng le le leng (hoseng le mantsiboya pele o robala) ka sesepa sa meno sa foloraete, tsukunya molomo wa hao ha o qeta ho ja motshehare.
Kopa motswalle/e mong wa lapeng kapa moprofeshenale wa tsa bophelo bo bottle ho hlahloba molomo wa hao hore ha o na diso dife kapa dife, diso tse sa tsebisahaleng le ho bola meno.
Tjhakela ngaka ya meno kapa diprofeshenale tse ding hang ka selemo hore meno a hao a hlahlojwe, mme o tle o phekolwe ha eba ho hlkeha.
Eja dijo tsa bophelo bo bottle , mme o je dijo o be o new dino tse nang le tswekere e tlase, mme o se ke wa eja mahareng a nako ya ho ja.
Qoqa le balelapa, metswalle le moruti ka mathata.
Phela ho ya ka tekanyetso ya hao ya tjhelete - fokotsa tshebediso ya dikarate tsa sekoloto.
Iphe nako e lekaneng ho fihlella moo o yang teng ka ntle ho ho tata.
Hlophisa letsatsi la hao ka ho hlokomela mathata a hao ho ya ka bohlokwa ba ona.
Hula mola butle haholo ka dinko ebe o o ntsha butle ka molomo. Phetha hona ka makgetlo a 10.
Robala fatshe sebakeng se kgutsitseng o tutubetse ebe o hema haholo ka metsotso e 5-10.
Boloka boemo bo lokileng mahareng a mosebetsi, lelepa, bohle le papadi.
O se ke wa qalella ho tsuba.
Ha o batla tshehetso ya ho kgaotsa ho tsuba, kopa thuso.
Phema ho hlahella letsatsing mahareng a 11:00 - 15:00 ha mahlasedi a UV a le matla haholo ebile a le kotsi letlalong.
Rwala katiba o be o sebedise setlolo se thibelang letsatsi ho sireletsa letlalo.
Sebedisa moriti o ka bang teng.
Sireletsa mahlo ka ho rwala diborele tsa mahlo / tse ntsho.
Mahloko a tswelang pele ke a bophelo bohle. Ha a phekolehe. Maemo a mang a mahloko a jwalo a tla ba teng le ha ho mokgwa wa ho phela o mahareng le o lekaneng o latelwa, mme hona e tla ba ka lebaka la mabaka ao re sitwang ho a laola.
Le ha ho le jwalo, mahloko a tswelang pele, le mathata a kopakano a tsamaelanang le ona, a ka qojwa ka ho phela bophelo bo botle. Le ha a o ka hlahlojwa ka bohloko bo tswelang pele ka lebaka la ka moo motho o phelang ka teng, dikopakopano di ka thibelwa ka hore ikarabelle maemong a hao ka ho fetola mokgwa wa hao le tjhadimo ya hao ya bophelo. Ka ho phela bophelo bo bottle le ho phela ka ho latela ka botlalo kgothaletso e balletsweng ke diprofeshenale tsa bopehlo bo bottle.
Mokgwa o motle wa ho sebetsa, ha mmoho le tshehetso e tswang lapeng, metswalleng le setjhabeng key a bohlokwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOPHELO BA HAO BO BOT.txt</fn>
Ho na le mafu a mangata ao re a futsang ho batswadi ba rona le bonkgono le bontatemoholo ba rona. Ho na le ho honyane haholo kapa ha ho letho hoo re ka ho etsang ho thibela mafu ana.
Leha ho le jwalo, ho na le mafu a mang ao re a fumanang ka lebaka la mokgwa oo re phelang ka wona.
ha re je dijo tse nepahetseng ha re kgathalle mebele ya rona re ka nna ra kenwa ke mafu ana.
Mafu ana a bitswa mafu a mokgwa wa bophelo.
Bukana ena e fana ka tlhahisoleseding mabapi le tse ding tsa dintho tseo o ka di etsang ho thibela mafu ana.
Hopola, ke mmele wa hao. Bophelo ba hao bo botle bo diatleng tsa hao. Kahoo he, itlhokomele.
Bukana ena e hodima Ho ja ho tletseng bophelo bo botle ke e le nngwe lethathameng la dibukana tsena.
Dijo ke ntho ya bohlokwa haholo bakeng sa bophelo. Dijo di boetse di etsa bophelo bo re natefele. Nahana hore re nyakalla jwang ka ho ja dijo tse monate le ba malapa a rona le kamoo meketjana eo e seng monate haholo ha ho se na dijo tse ngata tse monate.
Ha re ntse re natefelwa ke dijo tsa rona, ke ha bohlokwa hore re je ka bohlale. Bala bukana ena ho fumana kamoo dijo di leng bohlokwa ka teng le hore re tshwanetse ho ja eng le ha ka kang.
Qetang motoho wa lona le lebese bana?
Dudu, ho etsahala jwang hore phoofolo e kgolo e fumane dijo tsohle tseo e di hlokang ka ho ja jwang feela?
Bona Rachel, mmele wa motho o sebetsa ka ho fapaneng?
Dudu, kena re nwe teye?
Tsena ke ditshwantsho tsa ba lelapa mme ausi ke enwa?
Mme ho a bonahala, Rachel o shebahala a nonne ho feta tekano?
Ee Rachel ho nona haholo le hona ho ka baka ho kula hampe haholo?
Tsena ke ditshwantsho tsa dithathohatsi tsa mora wa ka ke motshehetsi e moholo wa Bafana Bafana?
Mme mona o bona phapang?
Lebitso la ka ke Dudu. Bukaneng ena re bua ka ho ja ho tletseng bophelo bo botle. Dijo ke seo o se jang kapa o se nwang hore o dule o phela. O tshwanetse ho ja dijo tse nepahetseng hore o be le bophelo bo botle, ho sebetsa hantle le ho phela nako e telele.
Dijo tsohle di na le dintho tse pedi tse re bolokang re phela: matla le diotlammele.
Koloi e tshwanetse ho ba le petrole hore e tsamaye. Ka mokgwa o tshwanang, dijo di neha mmele matla a ho tsamaya le ho etsa dintho tseo o ratang ho di etsa.
Diotlammele ke dintho tse molemo tse fumanehang dijong. Ditotlammele tse fapafapaneng di na le mabitso a fapafapaneng mme di etsa dintho tse fapafapaneng mmeleng wa hao. Diotlammele tse ahang mmele wa hao le ho o boloka o le matla di bitswa diprotheine. Diotlammele tse o sireletsang kgahlanong le ho kula di bitswa divithamine le diminerale.
Dijo kaofela ha di na tekanyetso e tshwanang ya matla le diotlammele.
Dijo tse ka hodimo ka mona di na le tse ngata tsa diotlammele tse ahang mmele kapa diprotheine.
Dijo tsena di na le tse ngata tsa diotlammele tse sireletsang, divithamine le diminerale.
Hopola ho hlatswa ditholwana le meroho pele o e ja.
Dijo tse ka hodimo ka mona di fana ka matla a eketsehileng. Dijo tse ding mokgahlelong ona ke matokomane le dilentils.
Ebe phepo e tletseng bophelo bo botle ke eng?
Phepo ya hao ke dijo tseo o di jang letsatsi ka leng. Ho fumana diotlammele tsohle mmoho le matla, o tshwanetse ho ja mefutafuta (mefuta e mengata e fapaneng) ya dijo letsatsi ka leng. Bakeng sa phepo e tletseng bophelo bo botle, kenya tse eketsehileng tsa dijo tse ahang mmele mmoho le dijo tse pedi kapa ho feta tse sireletsang ho dijo tsa hao tsa tlwaelo ka dinako tse ding le tse ding tsa ho ja. Leka ho kgetha ho arohileng nako le nako.
O boetse o hloka ho ja dijo habedi kapa hararo ka letsatsi. Tse ding tsa dijo tsena di tshwanetse ho ba tsa hoseng.
Bana ka ho ikgethang ba tshwanetse ho ba le seo ba se jang pele ba ya sekolong. Hopola, bana ba atisa ho hloka dijo tse eketsehileng pakeng tsa dinako tsa ho ja hobane dimpa tsa bona di nyenyane mme ba ka se kgone ho ja dijo tse ngata ka nako e le nngwe.
Dijo tsa mona lapeng di lokile bakeng sa phepo e tletseng bophelo bo botle. Hantlentle, phepo ya setso ya baholoholo ba hao (eo ba bangata ba sa ntseng ba e latela) ke phepo e tletseng bophelo bo botle haholo fela.
Dijo tse lokileng tseo o di jang ntho e ka bang letsatsi le letsatsi tse jwalo ka phoofo, reise, mabele, borotho, ditapole di bitswa dijo tsa motheo. Dijo tsena di o neha matla ekasita le diotlammele tse ding tse ahamg le tse sireletsang mmele. Dijo tsena di o etsa o ikutlwe o kgotse. Hobane di sa sefuwa, di na le ditlheferetsi ho tsona, mme tsona di o loketse.
Ka bomadimabe, batho ba bang lebala kamoo dijo tsa bona tsa motheo di lokileng ka teng. Batho bana ba atisa ho emisa ho ja dijo tsa bona tsa mehla hang ha ba kgona ho reka tse theko e hodimo.
Ka lebaka la sena, phepo ya bona ka dinako tse ding e ba e se nang bophelo bo botle.
Batho ba tshela dinoki le dinatefisi (jwalo ka poere ya kheri, matswai a natefisang, pepere, tswekere) dijong ho di etsa di latswehe ha monate. Bongata ba dinoki tsena le dinatefisi tsena ha di na diotlammele. Leha e le hore mmele wa hao o hloka letswai, o hloka le lenyenyane haholo letsatsi ka leng; halofo ya thispunu ka letsatsi. Leka ho qoba dijo tse jwalo ka diphae le ditjhipse.
Dijo tsa diseneke ke dijo tse jewang pakeng tsa dinako tsa dijo. Ho ja diseneke pakeng tsa dinako tsa ho ja ho boloka mmele wa hao o sebetsa ka ho phethahala letsatsi lohle. Bana ba hloka ho ja diseneke pakeng tsa dinako tsa dijo. Diseneke ke tsa bohlokwa empa o tshwanetse ho ja mefuta e nepahetseng ya dijo jwalo ka diseneke. Bongata ba batho ba thabela dijo tsa diseneke tse jwalo ka ditjhipse, dipompong, ditjhokolete, dinomaphodi, dikuku, dibiskiti, teye le kofi. Ka bomadimabe, mefuta ena ya dijo ha se dijo tse tletseng bophelo bo botle. Hape di theko e hodimo.
neha ngwana wa hao dijo tse jwalo ka samentjhisi sa pinabatha le jeme, ditholwana le se seng sa ho nwa se jwalo ka metsi, lero kapa lebese.
kgothaletsa ngwana wa hao ho reka feela ditholwana ho tswa ho bahwebi ba tsona.
o tshwanetse ho hopola hore dijo tsa diseneke le ka mohla ha di a tshwanela ho jewa sebakeng sa dijo tse ding tse tletseng bophelo bo botle.
Ntho e ka etsang pedi ho tharo ya boima ba mmele wa motho e entswe ke metsi, mme dithishu tsohle tsa mmele di na le metsi.
Metsi ha a na dife kapa dife tsa diotlammele tse fumanwang dijong tse fapafapaneng, empa a a hlokahala bakeng sa bophelo.
Hantlentle, diphedi tsohle ho kenyeletswa diphoofolo le dimela, di hloka metsi.
ho thusa mmele ho ntsha dihlahiswa tse ditshila.
Ke ha bohlokwa ho nwa bonyane dikgalase tse tsheletseng tsa metsi ka letsatsi ho etsa bonnete ba hore mmele wa hao o na le metsi a hlokahalang. Mmele wa hao o lahlehelwa ke metsi a mangata ha ho tjhesa, ka ho fufulelwa le ho rota. Matsatsing a tjhesang o a nyorwa (o batla ho nwa mekedikedi) haholo hobane mmele wa hao o haellwa ke metsi.
Bophelo ba rona bo botle bo itshetlehile ho seo re se jang. Phepo e tletseng bophelo bo botle e o neha matla a lekaneng mmoho le diotlammele bakeng sa ho hola, ho boloka mmele o tletse bophelo bo botle le bakeng sa ho sebetsa, ho bapala le ho etsa dintho tseo o ratang ho di etsa.
Ke efe tekanyetso e nepahetseng ya dijo tse fanang ka matla tseo re tshwanetseng ho di ja?
Ha re tadime tekanyetso ya dijo tseo o tshwanetseng ho di ja. Hore o ja dijo tse ka kang, (haholoholo dijo tse nang le matla a eketsehileng ho tsona), ho tla itshetleha ho ditlhoko tsa hao. Batho ba fapaneng ba hloka ditekanyetso tse fapaneng tsa matla.
Ngwana o ja tekanyetso e lekaneng ya dijo tse fanang ka matla ha a hola hantle. Bua le mooki tleleniking ho fumana hore na ebe ngwana wa hao o hola ka ho nepahetseng.
Motho e moholo o ja tekanyetso e lekaneng ya dijo ha a dula a na le boima bo nepahetseng ba mmele. Bua le mooki tleleniking ho o thusa ho fumana hore boima bo nepahetseng ba mmele bakeng sa hao ke bofe.
Ha motho a ja dijo tse fanang ka matla tse ngata ho feta kamoo a di hlokang ka teng, dijo tse sa sebediswang di tla bolokwa jwalo ka mafura mmeleng. Boima ba mmele ba motho enwa bo tla eketseha. Motho ya nonneng haholo ke motho ya nang le mafura a mangata a mmele. Motho ya jang dijo tse nyenyane tse fanang ka matla ho feta kamoo a di hlokang o tla theoha mmeleng hobane mmele o tla sebedisa mafura afe kapa afe ao o a fumanang ho etsa matla.
O tshwanetse ho ba le phepo e tletseng bophelo bo botle mme o tshwanetse ho ja dijo tse lekaneng ho phethahatsa ditlhoko tsa hao tsa boqo.
Matsatsing a kajeno ho na le batho ba bangata ba nonneng ho feta tekano ho e na le mehleng e fetileng hobane batho ba bangata ba fetotse tsela eo ba phelang le ho ja ka yona.
Batho ba ja dijo tse mafura tse jwalo ka ditjhipse ho e na le ho ja papa ya lephotho bakeng sa dijo tsa motsheare. Dikantining tsa dikhampani tse ding, basebetsi ba na le kgetho pakeng tsa ho reka dijo tsa sekgowa?
Batho ba bang ba ja dijo tse ngata nakong e nngwe le e nngwe ya ho ja kapa diseneke tse ngata tse fosahetseng pakeng tsa dinako tsa ho ja.
Ke hobaneng ho se na bophelo bo botle ho nona ho feta tekano?
Batho ba nonneng ho feta tekano ba na le mafura a mangata a mmele. Ba monyetleng o moholo wa ho ba le mathata a bophelo bo botle ho feta batho ba sa nonang ho feta tekano.
Mathata ana a bophelo bo botle a ka etsa hore batho ba holofale kapa ba shwe ba sa ntse ba le batjha. Jwalo kaha o bona, ha ho a loka ho nona ho feta tekano.
Tsela e molemohadi ya ho theola mmele ke ho ikwetlisa le ho ja phepo e tletseng bophelo bo botle.
Eja dijo tse nang le ditlheferetsi tse ngata tse jwalo ka borotho ba koro, outse, dinawa, dilentils, ditholwana le meroho. Di tla thusa ho o kgorisa.
Eja dijo tse nyenyane hararo ka letsatsi. Qala letsatsi ka leng ka dijo tsa hoseng. Ha o fetwa ke nako ya dijo, o tla lapa, mme o batle ho ja haholo hammamorao.
Batho ba bangata ba tla theoha mmeleng ha ba ja dijo tse nyenyane.
Eja butle mme o hlafune dijo tsa hao hantle.
Eja methamo e menyenyane ya dijo ka nako mme o emise ha o utlwa o kgotse.
Ha o nwa metsi a mangata pakeng tsa dinako tsa ho ja, ha o na ho ikutlwa o lapile haholo.
Ho nwa dinotahi ho o etsa o none. Se ke wa nwa.
Eba mahlahahlaha ka ho eketsehileng!
Tsena ke tse ding tsa dijo tse fanang ka matla a mangata tseo o tshwanetseng ho ja/nwa tse nyenyane haholo tsa tsona.
Tswekere: Tswekere e ngata kofing le teyeng, motohong, ho dipompong, dinomaphodi, aesekrime, jeme, mahe a dinotshi, dikuku le phuding di tshwanetse ho qojwa.
Dijo tse sefuweng: Eja dijo tse seng kae ho feta tsa motheo tse sefuweng, tse jwalo ka borotho bo bosweu, reisi e tshweu, folouru e tshweu, nama e ka makotikoting le e nngwe e sebeditsweng e jwalo ka poloni. Dijo tsena di na le matla a mangata mme di na le diotlammele le ditlheferetsi tse seng kae feela.
Mafura le dioli: Mafura le dioli di na le matla a mangata mme di tshwanetse ho jewa hanyenyane haholo. Mehlala ya dijo tsena ke botoro, mafura a kolobo, kase ya lebejana le phethahetseng, majarine, lebejana, oli, nama e mafura, ditjhipse tsa ditapole, le disoseje. Sebedisa oli e nyenyane haholo ya meroho ha o pheha, kapa o se e sebedise ho hang, mme o se ke wa hadika dijo. Tlosa mafura nameng mme o tlose letlalo nameng ya kgoho pele o e pheha (bongata ba mafura bo ka tlasa letlalo). Sebedisa lebese la mafura a manyenyane ho e na le lebese le tletseng lebejana.
Dinotahi le biri: Se ke wa atamela tsena, ha ho kgoneha. Ha o hatella ho nwa, fokotsa kamoo o nwang dinotahi le biri ka teng.
Na ebe o ka re thusa, Dudu?
Ke na le bothata le boima ba ka. Ke nonne ho feta tekano mme ngaka e mpolelletse hore ke tshwanetse ho theola mmele.
Motswalle o sisintse hore ho nwa kgalase ya metsi a futhumetseng le lero la sirilamunu hoseng ho hong le ho hong, ho tla nthusa ho theola mmele. Ke etsa sena empa ha ke bone letho.
Tsela e leng nngwe eo o tlang ho theola mmele ka yona ke ho ja hanyenyane, haholoholo dijo tse fanang ka matla, ho ikwetlisa, le ho qoba dijo tse nang le matla a mangata tse jwalo ka tswekere, dijo tse sefuweng, jwala, dioli le mafura. Hopola hore lebaka le o nonntsheng ke hore o ne o ntse o ja ho feta kamoo mmele wa hao o neng o hloka ka teng, haholoholo dijo tse nang le matla a managata haholo ho tsona. Kgalase ya metsi le lero la sirilamunu, feela, di ka se o thuse. Hantlentle, ha ho na pilisi, enjekeshene, setlolo kapa fomula ya mohlolo e tlang ho tlhotlha mafura mmeleng.
Henry, ntho e molemohadi bakeng sa hao ke ho ja dijo tse nang le phepo e tletseng bophelo bo botle. Qoba dijo tse nang le matla a mangata, eja ditholwana le meroho e mengata, se ke wa ja pakeng tsa dinako tsa dijo, mme qalella ho itlhakisa. O tla hle o theole mmele ka tsela ena.
Ke ne ke ile ngakeng e seng kgale. Ngaka e itse ke na le kgatello e hodimo ya madi. E mpolelletse hore kgatello ya ka ya madi e tla theoha ha ke theola mmele.
Ke tshwanetse ho ja eng hore ke theole kgatello ya ka ya madi?
O tshwanetse ho ja hanyenyane, haholoholo dijo tse fanang ka matla. Etsa bonnete ba hore o ja dijo tsa phepo e tletseng bophelo bo botle. Ka mantswe a mang, o tshwanetse ho ja dijo tse nang le diotlammele tse ahang mmele tse ngata tse jwalo ka tlhapi le dinawa, le tse nang le diotlammele tse sireletsang tse jwalo ka meroho le ditholwana. Eja dikotwana tse nyenyane tsa dijo.
Qoba dijo tse fanang ka matla a mangata tse jwalo ka tswekere, dijo tse sefuweng, mafura le dioli, mmoho le biri le dinotahi.
Etsa bonnete ba hore o sebedisa letswai le lenyenyane feela dijong tsa hao kaha letswai le lengata le sa o lokela. Ho boetse ke ha bohlokwa ho ikwetlisa, kahoo he, fumana ditsela tsa ho itlhakisa mmeleng. Tsamaya ka potlako jwalo ka mora matsatsi a mabedi bakeng sa nako e etsang hora.
Etsa sedikadikwe ho dijo tse tsheletseng tse fanang ka matla setshwantshong sena.
diotlammele tse ahang mmele (diprotheine)?
diotlammele tse sireletsang (divithamine le diminerale)?
Etsa sedikadikwe ho potapota dijo tse nang le ditlheferetsi.
Ho lekodisisa phepo.
Tadima seo mosadi enwa a se jang. Ke eng se phoso ka phepo ya hae?
Etsa setshwantsho sa dijo tse tletseng bophelo bo botle bakeng sa mosadi enwa tse tlang ho mo thusa ho theola mmele.
Kopanang le metswalle ya hao. Rerang ka dijo tse lokileng tse tletseng bophelo bo botle. Abelanang ka dikgopolo tsa lona.
Ditholwana le meroho ke karolo ya bohlokwa ya phepo ya hao, kahoo he, ke hobaneng o sa itjalle tsona Mokoti o lekanang le foro kapa e lekanang le lemati e ka nna ya ba ke ntho e bobebe ka ho fetisisa eo o ka e tsamaisang ka bowena. Latela mehato e leqepheng lena mme o leke ho itjalla dijo tsa hao. Haeba o na le mathata afe kapa afe, kopa sekolo se haufi ho o thusa?
Bokella hopi ya matlakala a jwalo ka bokahodimo ba meroho, makgapetla, diqo tsa poone, dipalesa tse shweleng le lehola, jwang bo hlaha, mahlaku le masalla a mang a dimela, dikgaketla tsa mahe, masapo le monontsha wa sakeng.
Se ke wa sebedisa masalla a nama, polasetiki, kgalase kapa molora wa mashala.
Epa mokoti o lekanang le lemati. O ka lekanya sena ka kgarafu; mokoti o tshwanetse ho ba bophara bo lekanang le kgarafu e le nngwe le bolelele bo lekanang le dikgarafu tse pedi.
Epa mokoti ona botebo bo ka etsang 45cm (botebo ba ho fihla lengweleng). Boloka mobu o motsho wa ka hodimo o arohile ho mobu wa ka tlase o ka tlasa wona.
Tlatsa mokoti ho fihla halofong ka matlakala ao o a bokelletseng. A tshwanetse ho thujwa ho ba dikotwana tse nyenyane pele o a sebedisa.
Etsa matlakala ana a be mongobo. Matlakala a mongobo a fetoha dijo tsa mobu ka potlako ho feta matlakala a ommeng.
Kwahela matlakala ana a mongobo hang hang ka mobu o ka etsang 15cm wa ka tlase, mme wona o latelwe ke mobu wa ka hodimo.
Mobu o ka hodimo o tshwanetse ho ba feine o se na majwe kapa dikaqa. Mokoti o tlatsitsweng o tshwanetse ho ema o le 15cm ka hodima maemo a lefatshe.
Jwale o se o ka jala peo ya hao tshingwaneng ya hao ka mela e bapileng le mokoti.
Jala peo ka hloko. Dijalo ha di a tshwanela ho ba haufi haholo se seng ho se seng. Di kwahele ka mobu o seng mokae o feine o ommeng mme o hatelle mobu ona ka hloko.
Qetellong, kwahela serapa sena ka molallela o etsang 5cm wa jwang bo ommeng, mahlaku a shweleng kapa setroi.
Nosetsa tshingwana ya hao letsatsi ka leng matsatsing a pele a leshome.
Arohanya dijalo tshingwaneng ya hao ha di le bolelele bo etsang 10cm.
Etsa bonnete ba hore ho na le jwang bo ommeng, mahlaku a shweleng kapa setroi tse lekaneng tse kwahetseng mobu wohle o feela.
Ntjhafatsa ho kwahela hona bonyane hanngwe ka kgwedi.
Meroho ya hao e holang e tla sebedisa diotli tsa mobu tse mokoting, kahoo he, o tshwanetse ho kenya monontsha tshingwaneng ya hao pele o jala peo ya hao e ntjha mobung wona oo.
<fn>sot_Article_National Language Services_BOPHELO BO BOTLE BAKE.txt</fn>
Bongata ba MaAfrika Borwa bo nwa jwala bo bongata ho feta motho ya boemong bo itekanetseng dinaheng tse ding lefatsheng. Batho ba bangata ba sebedisa jwala ka mokgwa o sa lokang. Ba nwa bo bongata ho feta tekano le ka mekgwa o fetang tkenao. Sena se baka mathata a mangata. Batho ba bang ba lahlehelwa ke mesebetsi ka baka la ho sebedisa jwala ka mokgwa o sa lokang. Ba bang ba a tahwa, ba be le mahahapa le ho lwana le ba lelapa, metswalle le ba leloko. Ba bang ba kudiswa ke ho nwa mme ba ka shwa le ho shwa.
Ho bohlokwa ho se nwe dino tse nang le jwala hobane di na le sethethefatsi se kotsi se ka fedinga bophelo ba hao. Ho sebedisa jwala ho ka ba le kgahlamelo e mpe lelapeng la hao. Le ha ho le jwalo, ha o nwa, o lokela ho etsa jwalo ka kelello. Bala bukana ena le ho ithuta hore o ka nwa jwang ka mokgwa o loketseng.
Sheba Dudu, ba se ba fihlile ho tla tla qetella sohle se neng se setse moketeng wa maobane wa lenyalo.
Hape Bongi ke yane o ntse a tahilwe ke ho nwa haholo maobane?
Bongi o sebedisa sente e nngwe le e nngwe a e fumanang jwaleng mme ka nako eo lelapa la hae le tshwareha hampe ha a ntse a nwa tjhelete eo le e hlokang bakeng la ho reka dijo, diaparo le thuto! Ha ke mohlomphe hohang?
Ho ka etsahala hore ke letahwa o shebahala a hloka thuso ho na le hore a tshwauwe phoso?
Tshebediso e mpe ya jwala ke bothata bo boholo naheng ka bophara ya Afrika Borwa Re hloka hore ka pele re ithute le bana ba rona hore jwala bo ka senya mmele le dikelello tsa rona jwa. Re lokela ho laola ho nwa le ho ithuta ho nwa ka mokgwa o loketseng?
E, batho ba etsa phoso ya ho nahana hore honwa ho a o thabisa?
Batho ba kang Bongi ba na le bohloko bo bobe bo bitswang botahwa boo ba sa kgoneng ho bo laola ba hloka thuso ka potlako pele ho ba lata botahwa bo ka bolaya?
Ka tsela e jwalo, ba lelapa la Bongi le metswalle ba lokela ho tsa ka hohle hohle ho matleng a bona ho mo etsa hore a batle thuso ya mofuta o jwalo ho pholosa bophelo ba hae le hore e be ntate wa makgonthe?
Afrika Borwa e lokela ho sebetsana le bothata ba jwala hona jwale?
Lebitso la ka ke Dudu. Re tlilo buisana ka tshebediso ya jwala. Ho o thusa ho etsa qeto ya hore ho nwa ho lokile kapa ha ho a loka, ha re qale ka ho bua ka sephetho sa jwala.
Jwala bo ka ba le kgahlamelo e mpe haholo bophelong ba hao. Ho nwa ho feta tekano nako e telele ho ka boela ha senya mmele wa hao hampe hoo bo kekeng ba boela bo eba betere.
Phepompe: Ho na le dinutriente tse mmalwa jwaleng. O ka nna wa se be le bophelo bo botle ha o nwa jwala ha ngata mme o sa je. Sena se bolela hore ha ngata o tla kula le ho kutlwa o fokola.
Tshenyo ya Kelello: Jwala bo theola monahano wa hao. Ka mora nako e telele, jwala bo tla senya mokgwa o kelello ya hao e sebetsang ka teng.
Bohloko ba Pelo: Ho nwa ho ka lebisa tshebetsong e kgolo haholo ya pelo mme wa bolawa ke bohloko ba pelo.
Kankere: Jwala bo ka baka kankere ya molomo.
Tshenyo ya Sebete: Ha o nwa ka nako tsohle, sena se tla baka tshenyo ya sebete sa hao. Jwala bo ka senya manyeme, se tlang ho baka diabetisi.
Bongata ba tlolo ya molao le merusu bo etsahala hobane batho ba sebedisa jwala hampe. Batho ba theohelwa ke bokgoni ba bona ba h itaola ha ba nwa.
Dikotsing tsa mebileng tsohle moo ho bang le tahlehelo ya maphelo, ho fumanehile hore bongata ba bakganni bo ne bo nwele mme ba nwele bongata bo dumellwetsweng ke molao.
Bongata ba ditaaso bo ileng ba lahlehelwa ke maphelo dikotsing tsa sephethephethe bo be bo le ka tlasa tshusumetso ya jwala.
Ditahlehelo tsa maphelo le mafu di bitsa tjhelete e ngata ya naha selemo se seng le se seng. Tjhelte ena e ka sebediswa betere thutong, bophelong bo botle kapa phumantshong ya matlo.
Hopola, hore dino tse fapaneng di na le maemo a fapanaeng a jwala.
O ka kgetha eo o batlang ho e nwa ho tsena.
Ha o a lokela ho nwa le ha e le efe ha o sa tsebe hore ho na le jwala bo bokae ka hare. Sena se ka ba kotsi!
o nwa sebakeng sa setjhaba, mme o sa nwe diyuniti tse fetang tse pedi tsa jwala ha o nwe tsatsi le leng le le leng, ke hore, ha o etse ho nwa tlwaelo ha o kopanye dino tsa hao.
Ka mora diyuniti tse 1-2: O bua haholo le ho hlena; pelo ya hao e potlaka ho otla.
Ka mora diyuniti tse 3: O kganna hampe; pono ya hao e nyane mme o ka nna wa tsekela hlooho.
Ka mora diyuniti tse 5: O ka nna wa se bone ka ho hlaka; ha o bua, o tla tswaka mantswe a sa kopaneng; o keke wa kgona ho etsa ho hong ka pele.
Ka mora diyuniti tse 8: Ha o kgone ho tsamaya ka mokgwa o tobileng mme o tla lahlehelwa ke botsitso; o ka nna wa bona ntho e le nngwe habedi.
Ka mora diyuniti tse 15-20: O fufulelwa haholo mme o ka lahlehelwa ke monahano.
Sena se o bontsha hore ha o a lokela ho diyuniti tse fetang tse pedi. Ka diyuniti tse tharo feela, boitshwaro ba hao bo a fetoha mme pono ya hao e nyane.
O seke wa nwa jwala ha o?
Ha o nwa?
O se dumelle batho ho tlatsa kgalase ya hao pele e se na letho. Ha o na ho tseba o se o nwele ha kae.
O se kopanye dino tsa hao.
Nwa mokgwa o iketlileng. Pele o nwa seno se seng sa hao, e nwa kgalase ya metsi. Sena se tla theola mokgwa o nwang ka ona.
Etsa bonnete ba hore o jele ho hong pele. O seke wa nwa ho se na letho ka mpeng.
Seke wa kganna kapa wa tsamaya. O ka mpa wa iphumanela sepalangwang se seng ho leba lapeng.
O se dumelle motho le ha e le ofe ho o qobella ho nwa ha o sa batle ho etsa jwalo.
Maphelo a batjha a ka ba tlokotsing ka baka la tshebediso e kotsi ya jwala. Batswadi ba bona e ka ba matawa. Batjha ba ka nna le bona ka bona ba a nwa. Sena ha se na lelapa le thabileng. Re lokela ho sireletsa bana ba rona dinong tse tahang!
Motswadi eo e leng letawa a ka ba le tshusumetso e mpe lelapeng. A ka tla hae a tahuwe le lwantsha ditho tsa lelapa la hae. Motswadi ya dulang a tahuwe a ka sebedisa tjhelete yohle ya lelapa jwaleng. Sena se etsa hore lelapa le sebe le seo le ka iphumanelang dijo le diaparo ka sona, e leng ho etsang ho se be le thabo, le bophelo bo sa tsitsang ka lapeng.
Batjha ba itshwara ka mekgwa e fapaneng ha ba phela le batswadi bao e leng matawa.
Ba ithuta ho se tshepe batho ba baholo.
Ha ba hlahisi maikutlo a bona kapa ho bolella ba bang ka mathata a bona.
Ba ka qala ho sebedisa dino tse tahang ha mpe le dithetefatsi ho leka ho fedisa kgatello ya maikutlo a bona.
Ba dula ba tshaba batswadi ba bona.
Ba ikutla ha ba jara boikarabelo ba boitshwaro ba motswadi wa bona mme ba ikutlwe ba na le molato ka baka lena.
Ha o phela le motho ya nwang ho feta tekano, sheba matshwao a latelang lelapeng la hao.
ha ba bang ho na le ba bang ba bangata ba nang le mathata a tshwanang le ao?
bona ba le bang ha ba na ho thusa batswadi ba bona.
ha se bona ba bakileng mathata a batswadi ba bona.
ho na le batho ba bang bao ba ka buang le bona!
Ha batjha ba sa batle ho bua le motho e mong ka hara lelapa, ngaka, mooki, titjhere kapa motswalle ka mohlomong a ka bathusa.
Batjha ba ithuta ka ho nwa ho ba lelapa le metswalle ya bona. Ha o le motswadi, o lokela ho se pate letho ho bana ba hao mabapi le jwale le dipheto tsena. Batjha ba tla sebedisa jwala, jwale wena, jwalo ka motswadi, o lokela ho fana ka tikoloho e bolokehileng moo ba ka qoqang le wena ka ho nwa.
Ruta bana ba hao, pele, hore ba se qale ho nwa hohang. Ha ba sebedisa dino tse tahang, ba rute mokgwa o bolokehileng le o nang le boikarabelo wa ho nwa! Sena se tla ba thusa ho etsa dikgetho tse nepahetseng!
O tseba jwang hore motho o na le bothata ba ho nwa?
Ho na le mekgwa e mengata e arohaneng eo o ka e bonang. Ke tla o thusa hore o bone hore motho a ka nna a ba le bothata ba ho nwa. Re tla etsa sena ka ho sebedisa papetla e katlase. Sheba dipotso tse papetleng. Tshwaya dikarabo tse nepahetseng. O ka nna wa se be le dikarabo bakeng la tse ding tsa dipotso, empa lekal ho fumana hore na o batla ho mo thusa na.
Mohlomong o tseba batho bao o nahang hore ba ka ba le bothata ba ho nwa. Ntle le ho tseba hore ba na le bothata ba ho laola ho nwa ha bona, o keke wa ba thusa. Potso ke hore: O tseba jwang hore motho o nwa ka mokgwa o se nang boikarabelo?
No se a nwa haholo ho feta ka moo a neng a nwa ka teng, mme tsatsi le leng le le leng?
Na o se a lwana ha a enwa?
Na o kile a ba kotsing ka lebaka la hore o ne a tahuwe?
Na o ne a ntse a sa ye mosebetsing morao tjena ka lebaka la ho tsitsipana ka lebaka la hobane a ne a nwele jwala?
Na o ba le nako e ngata ya ho nwa ho feta ho dula le lelapa?
Na o se a kile a otla motho ha a tahuwe?
Na o nwa ho feta ka moo a batlang ka teng?
Ha e ba karabo ho le ha e le afe ho mathata ana ke E, o na le bothata ba ho nwa. Seke wa emela hore bothata bo mpefale?
Ke lenyalo la Zinhle. Metswalle ya hae yohle ho tswa seterekeng e tlile moketeng. Ho na le dipina tse ngata, motjeko le ho nwa tse etsahalang. Sheba sebtshwantsho se katlase. Ho na le mehlala e 10 ya moo batho ba nwang ka mokgwa o loketseng. E bites.
Motho ya thekeselang; motho ya kgalehileng fatshe, motho ya dutseng ka botlolo e leng halofo ka botlalo ka pela hae; ho lwana; motho ya shebahalang a kula; mosadi wa moimana ya nwang; motho ya thekesellang koloing ya hae a tshwere botlolo; motho ya bonahalang a na le kgatello ya maikutlo; motho ya nwesang e mong jwala; motho ya fang ngwana e monyane jwala.
Ha o lakatsa ho tseba ho nwa ka mokgwa o loketseng, sheba leqephe 5-7.
Motho ya thekeselang; motho ya kgalehileng fatshe, motho ya dutseng ka botlolo e leng halofo ka botlalo ka pela hae; ho lwana; motho ya shebahalang a kula; mosadi wa moimana ya nwang; motho ya thekesellang koloing ya hae a tshwere botlolo; motho ya bonahalang a na le kgatello ya maikutlo; motho ya nwesang e mong jwala; motho ya fang ngwana e monyane jwala.
b Bogata ba methamo. Botlolo e ka qetwa ka pele.
c Nwa mothamo mme o ipolelle hore ona ke wa ho qetela.
O etela motswalle. O bula botlolo ya boranti le ho ntsha dibiri.
a Nwa dino tse mmalwa. O ne o ntse o emetse sena letsheare kaofela. Ka mora dino tse mmalwa dula o ikutlwa betere.
b O nwa dino tse mmalwa. O tlohele ha o ikutlwa o tsekela mme monahano wa hao o batla o sa tsitsa.
c O nwa seno kapa tse pedi. Ha o batle ho lahlehelwa ke taolo ya mmele kapa kelello ya hao.
Jwale kopanya dinomoro tse ka masakaneng qetellong ka nngwe ya karabo eo o e kgethileng o be o hlahloba seo o se fumaneng.
O motho ya nwang ya nga le kelello e tjhatsi. O naha ka seo o tlang ho se nwa mme o a tseba ka diphetho tsa ho nwa. Ha o dumelle ho qobellwa ho nwa.
Ka nako tse ding o na le kelello e tjhatsi ka mokgwa oo o nwang ka ona. Ka nako tse ding o hloka boikarabelo haholo. O lekela ho kgetha ho nwa ka mokgwa o loketseng le ho kgomarela ona! Seke wa dumella metswalle ya hao ho o qobella hore o nwe!. Sena ha se o etse hore o tume.
O motho ya nwang ntle le boikarabelo. O nwa haholo mme o hloka ho ikutlwa o le karolo ya letshwele. Ha o tswelapele ho nwa ka mokgwa ona o ka nna wa ba dikotsing kapa dintweng. Ho hobe ka ho fetisisa, ho nwa ha hao ho tla ama bophelo ba hao hampe mme hwa senya kelello ya hao, pelo le sebetse. O lokela ho qala ho nwa ka mokgwa o loketseng, kapa hona ho nahana ka ho tlohela hohang!
Kaofela re phela le batho ba nang le mathata a ho nwa. Re ka fetola maemo ana jwang Re hloka ho ntlafatsa maemo hape. Ha re batle tlwaelo ena ho namela baneng ba rona?
Ho na le thuso e fumanehang e reretsweng batho ba nang le bothata ba ho nwa. Ha o tseba motho ya nang le bothata, kopa ngaka kapa mooki wa tleliniki ho o fa lebitso la mokgatlo o ka o thusang. O ka boela wa buisana le moruti. Kgetha seo o bonang se ka o lokela ho feta tsohle empa seke wa boloka bothata bona ho wena. Ha bo na ho fela!
Ha ho na lebaka la ho buisana ka bothata ba ho nwa le motho ya seng a tauwe. Ema ho fihlela a hlaphoha. Bolella motho hore o etsa eng mme ba bang ba ameha jwang ke sona.
Ha o sa kgone ho fetola dintho, o lokela ho fumana thuso mokgatlong o sebetsang ka mathata mofuta ona tsatsi le leng le le leng. E mengata kantle mona.
Bitsa mapolesa ha motho a o teteka ha a tahuwe. Bolella moahelani le wena hore ho etsahalang hore o tle o be le sebaka se bolokehileng ha sena se etsahala. Ha dintho di sa fetohe kapa di mpefala le ho feta, o ka tlameha ho fumana lehae le leng moo o ka dulang hore wena le lelapa la hao le bolokehe. Mahlohonolo!
Thulani le metswalle ya hae ke batjha feela empa ba na le bothata bona. Ho thata ho bona ho se new. Metswalle ya bona e ba hatella haholo hore banwe. Ba qelelwa dinthong ha ba sa new. Ba bona ho le thata hore Tjhe. Re ka ba thusa jwang?
Ho na le mekgwa e mengata ya ho thusa batjha.
Ake o shebe hore o ithutile ho le hokae ka ho bala bukana ena. Tlatsa mantswe ka ho fapana le ho bapisa dikarabo tsa hao le tseo tse tlase leqepheng.
Ka mora seno hang pelo ya ha e phakisa...
Ka mora dino tse tharo ha hao ho hobe.
O seke wa seno se seng ha o sa batle ho nwa.
Mebileng e mengata e fumanwe hore bakganni ba ne ba nwele ho feta ka moo molao o dumelang ka teng.
K mora dino tse pedi o bua haholo le ho ba...
O seke wa nwa ha e ba o...
Batho ba bangata ka baka la mafu a amanang le jwala.
Pele o ka ya tshwara seno sa hao se latelang, kgalase ya metsi.
Ho na le yuniti e le nngwe ya jwala ho , sisiki, boranti le dipiriti.
o se nwe ha e le hore o...
<fn>sot_Article_National Language Services_BOTSEBI BA MOSEBETSI.txt</fn>
Bodulo projeke le?
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKAKGAKOLLO HO YA KA.txt</fn>
a ho fana ka keletso mmusong wa naha ka ditaba tse mabapi le toka kapa tsamaiso ya toka, hara tse ding, thuto le kwetliso ya ba batlang ho ba baahlodi le kwetliso e tswelang pele ya baahlodi, maemo a mosebetsing le maemo a ho fana ka ditshebeletso a baahlodi, le ho behwa ha meedi ya Makgotla a Phahameng a Dinyewe, jwalojwalo.
c ho hlophisa lenaneo la ba kgethetsweng ho thonngwa e le baahlodi ba Lekgotla la Molao wa Motheo, ka mabitso a mararo ho feta lenane la ho thonngwa, le ho fana ka lenane ho Mopresidente; kapa ha e mong wa ba kgethuweng a sa amohelehe ho Mopresidente mme ho thonngwa le ha e le hwa mang ho etswa, ho tlatseletsa lenane ka bakgethwa ba bang ba tlatsetso.
f ho sebetsana le menyenyetsi ya ho se itshware hantle kapa ho hloka bokgoni ba baahlodi, ho etsa dipatlisiso mabapi le seo, le ho eletsa Palamente ya Naha ha ho fumanehile hore moahlodi o hloka bokgoni, ha a tsebe mosebetsi haholo kapa o molato wa ho se itshware hantle.
i ho fana ka pehelo ya selemo le selemo ho Palamente ka mongolo e mabapi le mesebetsi ya yona selemong seo.
Komeshene ya Tshebeletso ya Toka e thehuwe ka Bakomeshenara ba 25 (ho kenyelletsa modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo) le Bongodi.
j batho ba bane ba behuweng ke Presidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso, ka mora ho ikopanya le baetapele ba mekgatlo yohle Palamenteng ya Naha; le k ha ho lekolwa ditaba tse amanang le Lekgotla le Phahameng le itseng ka ho qolleha, Mopresidente wa Baahlodi wa Lekgotla leo la dinyewe, le Moprimiri wa provinsi e amehang, kapa e mong ya behuweng ke e mong le emong ho bona.
Ha lenane la batho ba kgethuweng profesheneng ya baadvokate kapa babuelli ho latela karolwana ya 1 e kapa f le lekana le lenane la dikgeo tse lokelang ho tlatswa, Mopresidente o lokela ho ba thonya. Ha lenane la batho ba kgethuweng le feta lenane la dikgeo tse lokelang ho tlatswa, Mopresidente, ka mora ho ikopanya le profeshene e amehang, o lokela ho thonya ba kgethuweng ba lekaneng ho tlatsa dikgeo, a ikamahantse ka tlokeho ya hore netefatsa hore ba thontsweng ba emetse profeshene yohle.
Ditho tsa Komeshene tse behuweng ke Khansele ya Naha ya Diprovinsi ba tla sebetsa ho fihlela ba nkelwa sebaka bohle, kapa ho fihlela sekgeo lenaneng la bona se hlaha. Ditho tse ding tse behuweng kapa kgethuweng Komesheneng di sebetsa ho fihlela di nkelwa sebaka ke bao ba ba behileng kapa ba bakgethileng.?
a Presidente o tla tlosa setho le ha e le sefe se kantorong nakong le ha e le efe ha ya behileng setho se jwalo, a kopa ho etsa jwalo; kapa b setho le ha e le sefe se jwalo se itokolla mosebetsing ka ho fana ka tsebiso e ngotsweng ya bonnyane kgwedi e le nngwe ya ho etsa jwalo ho modulasetulo.
Setho sa Komeshene se behuweng jwalo ho latela karolo 178 1e, f, g, h kapa i ya Molao wa Motheo o tla tlohela mosebetsi wa hae hanghang ha a se a sa lokela ho dula a le kantorong ya hae.
Ho ya ka karolo ya 178 1 ya Molao wa Motheo, motho le ha e le ofe eo nako ya hae ya ho ba kantorong e le setho sa Komeshene e fedile, a ka nna a tloswa.
Koshene e tla beha e mong wa ditho tsa yona ho kena kantorong ho latela karolo ya 105 1 b, c, e, f, g kapa i ya Molao wa Motheo e le motlatsi wa modulasetulo wa Komeshene, mme ha modulasetulo a le siyo, motlatsi wa modulasetulo o tla sebetsa jwalo ka modulasetulo.
a ho ama tshebetso e molao kapa diqeto tsa Komeshene; mme c ho tlatswa ho latela karolo ya 1781 ya Molao wa Motheo, mme setho le ha e le sefe se behuweng, moo ho etsahalang, ho kena kantorong nako ya sona e song ho fele ya se neng se sebetsa pele ho sona kantorong.?
Ka ha ho se na ditho tsa Komeshene ya Tshebeletso ya Toka tseo e leng ditho tsa ka nako tsohle, mosebetsi wa Komeshene o etswa ke bahlanka ba Lefapha la Toka ba behuweng ke Molaodi Kakaretso: Lefapha la Toka. Mongodi, Mof.
Kantoro ya Komeshene ya Tshebeletso ya Toka le Bongodi ba yona e Bloemfontein.
Tataiso e tla fumaneha Komesheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa nakong e sa feteng la 31 Phato 2003.
Tsebiso ho latela karolo ya 15 e hlalosa mefuta ya direkoto tsa mekgatlo tse leng teng ntle le hore motho a di kope ho latela Molao. Tsebiso ya Komeshene ya Tshebeletso ya Toka ho latela karolo ya 15 ha jwale ha e fumanehe.
Tumello ya ho fumantshwa rekoto eo e se hanwe tlasa maemo afe kapa afe a hlahellang Molaong.
Mokopi o lokela ho sebedisa foromo e hlahisitsweng Koranteng ya Mmuso [Tsebiso ya Mmuso R187 15 Hlakola 2002] (Foromo ya A)?
Mokopi o tla lokela ho hlalosa hape ha kopo e le ya kgatiso ya rekoto kapa ha e ba o batla ho kena le ho sheba rekoto dikantorong tsa mokgatlo wa setjhaba. Kapa ha rekoto e se tokomane e ka bonwa ka foromo e kopuweng, moo ho kgonahalang karolo 292.
Ha motho a kopa ho bontshwa foromo e itseng ka ho qolleha mokopi o lokela ho e bontshwa ka mokgwa o kopuweng. Hona ho etswa ntle feela le ha eba ho etsa jwalo ho tla sitisana le ho tsamaiswa ha mokgatlo wa setjhaba o amehang, kapa hwa senya rekoto, kapa sitisana le tokelo ya kgatiso eo e seng ya mmuso. Ha e ba ka lebaka le utlwahalang ho ke se bontshwe ho latela foromo eo ho kopuweng ka yona empa ho ka etswa ka mokgwa o mong o fapaneng, tefiso e tla balwa ho laetla mokgwa oo mokopi a ileng a kopa ka ona karolo 293 le 4.
Ha, ho eketsa karabong e ngotsweng kopong ya hae ya rekoto, mokopi o batla ho bolellwa ka qeto ka mokgwa le ha e le ofe o mong, mohl. ka fonofono, sena se lokela ho hlaloswa karolo 182 e.
Ha mokopi a kopa tsebiso boemong ba motho e mong, maemo ao kopo e etswang ho ona a lokela ho hlaloswa mme bonnete ba seo bo lokela ho tsamaya le kopo 182 f.
Ha mokopi a sa kgone ho bala kapa ho ngola, kapa a na le bofokodi, a ka etsa kopo ya rekoto ka molomo. Mohlanka wa tsebiso o tla lokela ho tlatsa foromo boemong ba mokopi ya jwalo le ho mo fa kgatiso 183.
Mokopi ya batlang ho fuwa rekoto e nang le tsebiso ya hae ka boyena mokopi eo ha a hlokehe hore a lefe tjhelete ya kopo.
Mohlanka wa tsebiso o lokela ho tsebisa mokopi (ntle le ya kopang tsebiso e mabapi le yena) ka tsebiso, e batlang hore mokopi a lefe tjhelete e behuweng (ha e le teng) pele a ka sebetsa ka ka kopo.
Tjhelete e behuweng ya kopo e leng R35 e lefuwa ka mokgwa wa ditempe tsa Lekeno, tse ka rekwang Kantorong le ha e le efe ya Poso. Tjhelete e nepahetseng ya ditempe tsa lekeno e lokela ho kgomaretswa foromong ya kopo (Foromo ya A). Ha e sa kgomaretswa, tshebetso ya kopo e keke ya etswa ho fihlela tjhelete ya kopo e lefuwang ka ditempe tsa lekeno e fumanwa.
Mokopi a ka kenya kopo lekgotleng la dinyewe kgahlano le thendara kapa tefo ya tjhelete e batluwang.
Ka mora hore mohlanka wa tsebiso a entse qeto ka kopo mokopi o tla tsebiswa ka qeto e jwalo ka mokgwa oo mokopi a batlileng ho tsebiswa ka ona.
Ha kopo e dumelletswe ho na le tjhelete e nngwe ya phano e lokelang ho lefuwa ho batla, hlophisa, hlahisa le bakeng sa nako le ha e le efe e fetileng ho dihorqa tse behetsweng ho batla le ho hlophisa rekoto e tlang ho fanwa.
Tjhelete ya phano e behuweng e ka fumanwa Sehlomathisong sa A sa bukakgakollo ena. Phano e tla etswa feela ha tefo ya phano e entswe. Tjhelete ya phano e lokela ho etswa ka ditempe tsa lekeno, tse fumanehang Dikantorong tsa Poso.
Boipelaetso kgahlano le moahlodi ya welang tlasa karolo 177 (a) ya Molao wa Motheo, e leng hore moahlodi ha a tsebe mosebetsi, o hloleha ka hohlehohle kapa o na le phoso ya ho boitshwaro bo bobe bo tla lekolwa ke Komeshene ya Tshebeletso ya Toka ho latela pehelo ena.
Komeshene ya Tshebeletso ya Toka ha e na molao wa ho sebetsana le dipelaelo tse jwalo tse sa weleng mekgeng e hlalositsweng ka hodimo.
Komeshene ya Tshebeletso ya Toka le Ditsha tse ding tsa Kgaolo ya Borobong (ho ya ka Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, Molao wa 108 wa 1996) ha di na mekgwa ya ka hare ya ho etsa boipiletso jwalo kaka mekgatlo e meng e mengata ya setjhaba. Makgotla a dinyewe a lokela hore ho ikopanngwe le ona maemong a jwalo moo ho se na tshebetso ho latela dipehelo tsa Molao ke mekgatlo ena. Sena se tla sebetsa maemong le ha e le afe ao mokopi kapa motho wa boraro a lakatsa ho etsa boipiletso ka qeto e entsweng ke mohlanka wa tsebiso.
Dibakeng tsohle tsa dipehelo tsa semolao jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 6 ya Molao wa Dipehelo tsa Semolao wa 1997.
f Akhaeve ya Naha ya Difilimi, Vidio le Modumo, Pretoria bakeng la mefuta e itseng ka ho qolleha ya ditokomane jwalo ka ha di hlalositswe; le g Laeborari le ha e le efe e nngwe kapa setsha se hlalositsweng ke Letona ka sepheo sa mefuta e itseng ka ho qolleha ya ditokomane tse hlalositsweng.
Tjhelete ya kgatiso ya bukakgakollo jwalo ka ha e hlahella molawaneng wa 5(c) ke R0,60 ka kgatiso ka nngwe ya boholo ba leqephe la A4 kapa karolo ya lona.
Tjhelete ya kopo e lefuwang ke mokopi e mong le e mong, ntle le ya kopang dintlha tse mabapi le yena, e hlahellang molawaneng wa 7 ke R35,00.
f Ho batla le ho hlophisa rekoto hore ho fanwe ka yona, R15,00 hora ka nngwe kapa karolo ya hora, ho sa kenyelletse hora ya pele, e hlikehang bakeng la ho batla le tlhophiso e jwalo.
a Dihora tse tsheletseng e ba tse ka tlolwang pele ho ka lefuwa dipoziti; le b nngwe borarong ya tjhelete ya phano e ka lefuwang e le dipoziti ya mokopi.
Tefello e lokelang ho lefellwa poso ha kgatiso ya rekoto e lokela ho fomelwa ka poso ho mokopi.
hlalosa maemo, lebitso le sefane sa mohlanka wa tsebiso/motlatsi wa mohlanka wa tsebiso ka la.letsatsi ho la.sebaka.
B. Dintlha mabapi le motho ya etsang kopo ya ho fumantshwa rekoto a Dintlha tsa motho ya etsang kopo ya ho fumantshwa rekoto di lokela ho rekotuwa ka tlase.
b Fana ka aterese le/kapa nomoro ya fekese ka hara Rephaboliki eo tebiso e ka romelwang ho yona.
c Bopaki ba maemo ao kopoo e etswang tlasa ona, ha e le teng, e lokela ho hlomathiswa.
Mabitso ka botlalo le sefane:.
Nomoro ya boitsebiso:..
Nomoro ya fekese:.
Nomoro ya fonofono:.. Aterese ya e-mail:..
Karolo ena e lokela ho tlatswa ha FEELA kopo ya tsebiso e etswa boemong ba motho e mong.
Mabitso ka botlalo le sefane:..
Nomoro ya boitsebiso:..
D. Dintlha tse mabapi le rekoto a Dintlha ka botlalo tse mabapi le rekoto tseo ho kotjwang phumantsho ya tsona, ho kenyelletsa le nomoro ya referense ha o e tseba, ho etsa hore rekoto e fumanehe.
b Ha e le hore sebaka se fanweng se sa lekana ka kopo tswelapele leqepheng le leng le ho hlomathisa foromo ena. Mokopi o lokela ho tekena maqephe ohle a tlatsetso.
Nomoro ya referense, ha e le teng:..
E. Ditjhelete a Kopo ya phumantsho ya rekoto, ntle feela le rekoto e nang le tsebiso ya hao , e tla sebetswa feela ka mora hore tjhelete ya kopo e lefuwe.
b O tla tsebiswa ka bokae bo lokelang ho lefuwa e le tjhelete ya kopo.
c Tjhelete e lefellwa phumantsho ya rekoto e itshetlehile ho foromo eo phumantsho e batluwang ka yona le nako e lekaneng e batluwang hore ho fuputswe le ho hlophisa rekoto.
d Ha o loketse ho se lefiswe tjhelete le ha e le efe, ka kopa bolela lebaka la seo.
Lebaka la ho se lefiswe tjhelete e loketseng ho lefuwa:...
Ha o thibelwa ke ho se kgone ho bala, ho bona kapa ho mamela rekoto ka mokgwa oo e fumantshwang ka ona ho 1 ho ya ho 4 ka tlase, bolela bodokodi ba hao le ho hlalosa hore rekoto o e batla ka foromo efe.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKAKGAKOLLO YA BAKOM.txt</fn>
Sepheyo sa bukakgakollo ena ke ho tataisa baetapele ba setso mosebetsing wa bona ho etseng hore ho be le phihlello e kgolwanyane botsamaising ba toka ha ba sebetsa jwalo ka bakomeshenara ba dikano le ho beha mekgwa ya tshebetso e lokelang ho latelwa ha ho tsamaiswa kano kapa boitlamo, ho nkuwa ha phatlalatso e tlamang kapa e nang le bopaki le tiisetso ya ditokomane.
a Matla a ho tshwara ntle warante: motho, ya etsang kapa lekang ho etsa tlolo ya molao, eo a nang le tumelo ya hore o balehile kapa o lekile ho baleha moo a neng a kwalletswe teng; motho ya nang le sesebediswa sa ho thuba ntlo kapa sepalangwa; motho ya fumanweng a na le thepa eo ho nahanelwang hore ke e utswitsweng kapa e fumanweng ka mokgwa o se nang botshepehi; motho ya fumanweng busio maemong a etsang hore a belaellwe hore motho eo o entse kapa o tla etsa tlolo ya molao; le motho ya belaellwang ho ba le leruo le utswitsweng jj. le b Matla a ho ntsha diwarante tsa ho tshwara.
Baetapele bohle ba setso ke diofisiri tsa kgotso mme ka tsela e jwalo ke ditho ka maemo - tseo e leng bakomeshenara ba dikano. Setho ka maemo seo e leng mokomeshenara wa dikano ke motho eo hobane kantoro kapa boemo boo motho eo a bo tshwereng, e ba mokomeshenara wa dikano. Ha batho ba bang ba lokela ho etsa kopo ho Letona la Toka le Ntshetsopele ho ya ka Molao wa Motheo ba lokela ho thonngwa ho ba bakomeshenara ba dikano, enwa ha a etse kopo. Ha bakomeshenara ba thontsweng ba dikano ba fuwa ditifikeiti tsa ho thonngwa, mokomeshenara wa dikano eo e leng setho ka maemo ha a hloke setifikeiti, hobane o na le setifikeiti sa kantoro kapa maemo ao a a tshwereng?
Mokomeshenara wa dikano o thonngwa bakeng se itseng se ikgethang mme a ka sebetsa maemong ao sebakeng seo a se thonyeditsweng. Mosebetsi wa mokomeshenara wa dikano ke ho thusa ditho tsa setjhaba sa lehae ka ho tsamaisa kano kapa boitlamo kapa ho phatlalatsa kapa ho tsebisa ho nang le dipaki mothong ofe kapa ofe. Mosebetsi o mong wa mokomeshenara wa dikano, ke ho tiiswtsa dikgatiso tsa ditokomane hore ke tsa nnete tsa mantlha. Ha ho na tjhelete e tlang ho batlwa bakeng sa tsamaiso ya kano kapa boitlamo, ho paka phatlalatso kapa ho tiisetsa tokomane. Mokomeshenara wa dikano ha a ya dumellwa ho tsamaisa kano kapa boitlalo tse bo mabapi le taba eo a nang le kgahleho ho yona. Lebaka ke hore motho ya pakang afidaviti ha ya lokela ho nka lehlakore le ho se kgethe mabapi le ntlha e leng fidaviting bakeng sa hore ya nang le seabo a se susumetswe ke ekng kapa eng ntlheng eo afidaviti e leng mabapi le yona. Tshebeletso ena ka bakomeshenara ba dikano, e etsa hore ho se konehe hore batho ba tsamaye ho tloha hole ho ya seteisheneng se haufiufi sa sepolesa kapa kantoro ya makgistrata bakeng sa thuso.
Ha moetapele wa setso, ka baka la boitlamo bo itseng kapa mabaka a mang, ha a kgone ho sebetsa jwalo ka mokomeshenara wa dikano, mongodi kapa moetapele le ha e le ofe wa setjhaba ya fuweng matla ke moetapele wa setso, a ka ba mokomeshenara wa dikano wa baka seo, feela ka ho thonngwa ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Diforomo tsa kopo (J5) di a fumaneha kantorong ya makgistrata. Foromo ena e na le maqephe a tsheletseng. Maqephe a pele a mahlano a lokela ho tlatswa ke mokopi mme leqephe la ho qetela le hloka ho tlatswa ke makgistrata ya tlang ho ba a etsa dikgothaletso kopong. Ketsahalong ya hona, sena se bolela hore mokopi o tla ba le puisano le makgistrata, ka tlhophiso ya Tlelereke ya Lekgotla la Dinyewe la Baahi. Moo e leng hore mongdi wa moetapele wa setso kapa moetapele e mong feela ya fuweng matla ke moetapele wa setso, ho bohlokwa lengolo la kgothalletso la moetapele wa setso, le tsamaye le kopo. Makgistrata o tla romela foromo ya kopo mmoho le lengolo la kgothalletso ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Bahlanka Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ba tla sebetsana le kopo ho fihlela ho thonya ho etswa ke Motlatsi wa Leton/Letona kapa baemedi, bao ha ngata e bang ditho tse ka sehloohong tsa Lefapha. Setifikeiti se romelwa morao ho makgistrata ya tlang ho se fa mokopi.
Moamehi (motho ya entseng afidaviti) a ka ya ho mokomeshenara wa dikano ka afidaviti, ho ya nka kano kapa boitlamo.
Hore e be o na le ho se dumele ho nka kano e behuweng; le iii Hore e be o nka kano e behuweng e mo tlama boinotshing ba hae.
Kano e behuweng e tsamaiswa ka ho etsa hore moamehi a bue mantswe a latelang: Ke hlapanya hore dikahare tsa phatlalaso ena ke nnete, Modimo o nthuse. Moamehi o tla kotjwa ho phahamisa letsoho la hae le letona ho nka kano ya hae?
Moo e leng hore moamehi o dumela hore o utlwisisa dikateng tsa phatlalatso le ho tsebisa mokomeshenara wa dikano hore o hanana le ho nka kano kapa o tsebisa mokomeshenara wa dikano hore ha a nke kano e mo tlama bothong ba hae, mokomeshenare wa dikano o tla tsamaisa boitlamo. Boitlamo bo tsamaiswa ka ho etsa hore moamehi a bue mantswe a latelang: Ke itlama ka nnete hore dikateng tsa phatlalaso ena ke nnete.?
Moamehi o tla lokela ho tekena phatlalatso moo mokomeshenara wa dikano a leng teng. Moo e leng hore moamehi ha a kgone ho ngola, moamehi ya jwalo o lokela hore botenng ba mokomeshenara wa dikano, a behe letshwao ka tlasa boitlamo. Ha mokomeshenara wa dikano a sa tshepe hore moamehi ha a kgone ho ngola, o tla batla hore ho se kgone ho jwalo ho tiisetswe qetellong ya phatlalaso ke motho e mong ya tshepahalang.
Ka mora hore moamehi a tekenne kapa a behile letshwao, mokomeshenara wa dikano o tla tiisa hore moamehi o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso mme o tla hlalosa MOKGWA, SEBAKA le MOHLA wa ho nkuwa ha phatlalatso. Mokomeshenara wa dikano o tla tekena phatlalatso le ho ngola lebitso la hae ka botlalo le aterese ya hae ya mosebetsi ka tlase ho motekeno wa hae, le ho hlalosa boemo ba hae le sebaka seo a se thonyeditsweng kapa maemo kantorong ao a a tshwereng. Aterese ya Mosebetsing e bolela aterese ya bodulo mme e se ya poso?
Ditempe tse seng di entswe di teng bakeng sa ho thusa bakomeshenare ba dikano ho tsamaisa kano kapa boitlamo ntle le tshenyo ya nako.
Kgatiso ya tokomane e lokelang ho tiisetswa e le ya nnete ya mantlha, e lokela ho bapiswa le tokomane ya mantlha mme ho lokelwa ho netefatswa hore ditokomane ka bobedi ke, hantlentle, ntho e le nngwe. Ha mokomeshenara wa dikano a na le bonnete ba hore kgatsio ka nnete ke kgatiso ya nnete ya tokomane ya mantlha mme ho se na ditokiso tse sa dumellwang tse entsweng, mokomeshenara wa dikanoo tla lokela ho ngola fatshwe kapa ho tempa hore o tiisesa hore tokomane ke kgatiso ya nnete ya tokomane ya mantlha mme ha ho na matshwao a hore toomane ya mantlha e hlakotswe ke batho ba se nang matla a ho etsa jwalo. Ka mora moo komeshenara wa dikano o tla kenya motekeno le ho ngola lebitso, maemo, dintlha tsa ho ikopanya le mohla. Setempe se seng se entswe se teng ho tiisetsa ditokomane.
Ha kano kapa boitlamo bo sa nkuwa ka ho nepahala jwalo ka ha ho behuwe, mme taba ena e ya lekgotleng la dinyewe, afidafiti e tla phatlalatswa e sa sebetse mme e ka ba le ditlamorao tse tshabehang tseo mohlala, dinyeweng tsa tlolo ya molao, di ka lebisang ho ho lokollweng ha moqosuwa.
Ha mokomeshenara wa dikano a hloomela hore motho ya nkang polelo, o ne a sa batle ho nka kano, ha a ya lokela nkisa kano. Ho ne ho kile ha ba le nyewe moo moqusuwa ya neng a tshwerwe tlasa Molao wa Polokeho ya Kahare, ya ileng a re ka mora ho kwallwa boinotshing le dipotso, a tataiswa ke mohlanka wa sepolesa, a nka kano pela mokomeshenara wa dikano. Lekgotla la dinyewe le ile la qhala ho tshwarwa ha ho ne ho fumanwa hore moqosuwa o ile a qobellwa ho nka kano pela moomeshenara wa dikano.
Ke tlolo ya molao ho etsa polelo e fosahetseng o tseba hore e fosahetse afidaviting, boitlamong kapa phatlalatsong e pakuweng, ho otsjet;ejiwe la setate, emte se fpsajetsemg se; emg temg tpp, amemg. Bpmmete ba sona bo ile ba ikanelwa, kapa ba phatlalatswa pela motho ya nang le matla ho latela molao ho tsamaisa dikano kapa ho nkuwa ha diphatlalatso tse nang le bopaki.
i hloleha ho tekena phatlalaso le ho ngola leitso la hae ka botlalo le aterese ya mosebetsing ka tlasa motekeno wa hae, le ii ho hloleha ho bolela maemo a hae le sebaka seo a thonyeditsweng ho se tshwara kapa maemo kantorong ao a a tshwereng ha ho thonngwa ha hae ho le ka baka la ho ba setho ka maemo. Boipelaetso kgahlano le ho kwejwa bo ile ba atleha.
Mokomeshenara wa dikano ya pakelang diafidaviti, ho hlokeha hore a se kgethe lehlakore, ikamahanye le ho ikemela ka hohlehohle kantorong moo afidaviti e neng e ralwa teng. Moo e leng hore mmuellli ya sebetsang le e mong, a ileng a sebetsa e le mokomeshenara wa dikano bakeng sa mosebetsi mmoho le yena, ho ile ha fumanwa hore o hlokile boikemelo ka hohlehohle le hore o ne a na le kgahleho. Lekgotla le ile la laela hoe afidaviti e lekolwe hape pela mokomeshenara wa dikano ya nang le bokgoni.
Ha dikgatiso tsa ditokomane di sa tiisetswa ka nepo e le dikgatiso tsa sebele tsa tsa mantlha, mokomeshenara wa dikano ya tiiseditseng tokomane, a ka iphumana a le lekgotleng la dinyewe e le moqusuwa mmoho ka ho thusa motho e mong ho etsa boqhekanyetsi kapa e le paki ho fana ka bopaki ditokomaneng tse entsweng ka leshano.
Ditempe tse seng di entswe tse lokelang ho sebediswa ke moetapele wa setso e le mokomeshenara wa dikano, ha mmoho le enke e hlokehang, ha di na mme ha di keke tsa fanwa ke Mmuso. Tsena di lokela ho fumanwa ke moetapele wa setso ka ditjeho tsa hae.
Na o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso?
Na o na le kganano le ho nka kano e behuweng?
Na o nka kano e behuweng e o tlama boinotshing ba hao?
Na o batla ho etsa boitlamo?
Ke netefatsa hore moamehi o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso ena, e ileng ya ikanelwa/itlamelwa pela ka mme motekeno/kgatiso ya monwana/letshwao le ile la behwa botenng ba ka.
i Ho behwa ha baetapele ba setso e le bakomeshenara ba dikano bao e leng ditho ka maemo U: Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro R.1180 ya la 17 Pudungwana 2000.
Ho thonyetswa ho ba mokomeshenara wa dikano: Karolo 51 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomeshenara ya Dikano, 1963 Molao wa 16 wa 1963.
Ho behwa ha ditho ka maemo ha bakomeshenara ba dikano: Karolo ya 6 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomeshenara ba Dikano, 1963 Molao wa 16 wa 1963.
Lenane la ditho ka maemo la bakomeshenara ba dikano: Tsebiso ya Mmuso ya R.903 ya 10 Phupu 1998.
v Lenane la Diofisiri tsa Kgotso: Tsebiso ya Mmuso ya R.159 ya la 2 Hlakola 1979.
Phatlalatso ya batho ba itseng e le Diofisiri tsa Kgotso: Karolo ya 334 ya Molao wa Tsamaiso Tlolong tsa Molao, 1977 Molao wa 51 wa 1977.
Ho ntshuwa ha diwarante ke diofisiri tsa kgotso: Karolo ya 44 ya Molao wa Tsamaiso Tlolong tsa Molao, 1977 Molao wa 51 wa 1977.
i MAEMO A BAETAPELE BA SETSO E LE DITHO KA MAEMO TSEO E LENG BAKOMESHENARA BA DIKANO: TSEBISO YA MMUSO YA R.1180 YA LA 17 PUDUNGWANA 2000.
v TSEBISO YA MMUSO YA R.
viii KAROLO 44 YA MOLAO WA TSAMAISO DITLOLONG TSA MOLAO, 1977 MOLAO WA 51 WA 1977.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA E MABPI LE KAR.txt</fn>
Ka ho ya ka Karolo ya 14 ya Molao wa Kgothaletso ya Phihlelo ya Lesedi wa 2 wa 2000, mohlanka wa tlhahisoleseding wa mokga wa mmuso o lokela ho ngola ka bonyane dipuo tse tharo tsa semmuso bukana e nang le dintlha tse itseng tse ikgethang.
Khansele ya Babokelli ba Dikoloto e fumana matla a yona Molaong wa Pokello ya Dikoloto, Molao wa 114 wa 1998. Khansele ya Babokelli ba Dikoloto ke mokga wa mmuso jwalo ka ha ho lohothwa temaneng ya (b)(ii) ya tlhaloso ya mokga wa mmuso; e leng mokga o sebedisang matla a mmuso ho phetha mosebetsi wa mmuso ka ho latela molao. Ka hoo Khansele ya Babokelli ba Dikoloto e laola phihlelo ya direkoto tsa yona?
Molaodi wa Phethahatso wa Khansele ke yena mohlanka wa tlhahisoleseding wa Khansele.
Ka ho ka Karolo ya 10 ya Molao wa 2 wa Kgothaletso ya Phihlelo ya Lesedi wa 2000, Khomishene ya Ditokelo tsa botho e lokela ngola ka puo e nngwe le e nngwe ya semmuso tataiso e nang le lesedi le jwalo, ka tsela le mokgwa oo ho leng bonolo ho e utlwisisa, jwalo ka ha ho ka hlokwa ke motho ya ratang ho sebedisa tokelo efe kapa efe e lohothwang Molaong ona.
Khansele ya Babokelli ba Dikoloto e hlonngwe ka Molao wa 114 wa Pokello ya Dikoloto wa 1998. Ho ile ha kengwa tshebetsong Molao le Melawana ho tloha ka la 7 Hlakola 2003.
Khansele ena e tla nkuwa jwalo ka motho ka ho ya ka molao.
e. ho nka mehato ya kgalemo nqeng tse loketseng mme ha motho a fumanwa a le molato ho be le kotlo e le nngwe kapa tse ngata tse beuweng Karolong ya 15 ya Molao. Mamelo tsa dinyewe di buletswe setjhaba.
Ka bokgutshwanyane Khansele ya Babokelli ba Dikoloto ke mokga o hlonngweng ka ho ya ka molao oo sepheo sa ona ka kakaretso e leng ho fetola mokgwatshebetso wa pokello ya dikoloto mona Afrika Borwa ka ho beha leihlo tshebetso le boprofeshenale ba babokelli ba dikoloto le ho ntshetsa pele moya wa taolo e ntle bakeng sa ho sireletsa setjhaba ka bophara ekasitana le bakolotiwa. Molao hape o kenya molaong pokello ya tefello kapa moputso ke babokelli ba ngodisitsweng ba dikoloto. Ho tloha ka la 11 Phato 2003 ha ho na motho ya tla sebetsa jwalo ka mmokelli wa dikoloto ha a sa ngodisa le Khansele. Ha motho a ka sebetsa a sa ingodisa moo o tla be a tlotse molao.
Ditho tsa Khansele ya Babokelli ba Dikoloto di kgethwa ke Letona la Toka mme e tla ba ditho tse seng ka hodimo ho tse 10.
b. bao e leng ditho?
motho ya mong ho tswa mabitsong a thontsweng ke diinstitjhusheneng tse emetseng ditabatabelo tsa basebedisi, mme bao, ka ho ya ka maikutlo a Letona ba tshwanelehang ho ba Khanseleng.
Karolo ya 5 ya Molao e hlophisetsa ho kgethwa ha ditho tse tharo tsa Khansele ho ba Komiti ya yona ya Phethahatso bakeng sa dikopano tse pakeng tsa Khansele hore di phethe matla le mesebetsi yohle ya Khansele, ha feela bongata ba ditho e tla ba ditho Khansele tseo e seng tse kgethuweng maemong a tsona jwalo ka babokelli ba dikoloto. Komiti ya Phethahatso ha e na matla a ho qhella thoko kapa ho fetola qeto ya Khansele kapa ho hula setifikeiti kapa ngodiso. Ketso efe kapa efe e entsweng kapa qeto e nkuweng ke komiti ya Phethahatso e tla sebetsa ha feela e ke ken ya fetolwa kapa ya qhellwa thoko ke Khansele.
Ka ho ya ka Molawana wa 7 wa Melawana e phatlaladitsweng Koranteng ya mmuso, No.
a. hloma komiti kapa dikomiti, tse nang le bonyane ditho tse tharo tsa Khansele, eo se le seng sa tsona e lokelang ho ba motho ya nang le mangolo a tshwanelehileng a molao, e be e kgetha e mong wa ditho tseo ho ba modulasetulo wa komiti; kapa b. kgetha motho kapa batho, ha ho hlokeha, ho fuputsa ka menyenyetsi efe kapa efe ya tsamaiso e sa lokang jwalo ka ha ho hlophisitswe mona molawaneng ona.
Khansele e iketsetsa ditjhelete tseo e leng tsa yona ka ngodiso le ka ditefello tsa selemo le selemo tse leshwang ke batho ba kopang ho ngodiswa le babokelli ba ngodisitsweng ba dikoloto.
d. romelwa Palamenteng matsatsing a 14 ka mora ho phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Khansele hape e boloka rejistara ya dikhomputara tsa yona, tseo setjhaba se nang le bokgoni ba ho di fihlela.
Nako le nako, le ha ho hlokeha, Khansele e tla ntsha ditaba tse yang dikoranteng.
Direkoto tsohle tsa Khansele di bolokwa diofising tsa Khansele.
h. direkoto tse fapaneng tsa tsamaiso.
c. Khoutu ya Boitshwaro ya Khansele e sebediswang ho basebeletsi e ka fumanwa ke basebeletsi bohle.
b. Ha motho a ka kopa khopi ya rejistara kapa karolo ya yona, yona e ka fumanwa ka mora ho lefa tefello e beuweng bakeng sa hoo.
Direkoto tse ding tsohle ha di fumanehe feela-feela bakeng sa setjhaba ntle le kopo ka ho latela Karolo ya 18 ya Molao wa 2 wa 2000.
Ka ho ya ka Molawana wa 7 wa Melawana ya tshebetso setho sa setjhaba, kapa mmokelli wa dikoloto, ka kenya tletlebo Khanseleng kgahlanong le mmokelli wa dikoloto ya ngodisitsweng.
Khansele e tla tsebisa Mmokelli wa Dikoloto ka menyenyetsi eo. Mmokelli wa Dikoloto e be o ba le matsatsi a 5 a ho arabela ditletlebo tseo. Khansele e tla be e se e lekola monyenyetsi mmoho le karabelo ya ona, e be e sebetsana le ona ka tsela e tshwanetseng, e ka kenyelletsang le ho qosa Mmokelli wa Dikoloto ka boitshwaro bo sa lokang.
f. a ka laelwa ho busetsa motho ofe kapa ofe eo Khansele e dumelang hore ha a tshwarwa hantle ke tsamaiso ya mmokelli eo wa dikoloto mme a bontshe Khansele nakong e itseng e tla behwa bopaki ba pusetso eo; kapa g. ho ka kopangwa efe kapa efe ya dikotlo tsena tse ka hodimo.
Hodima moo Khansele e etsa hore setjhaba se kgone ho fumana ya Babokelli ba Dikoloto ba ngodisitsweng, mme yona e diofising tsa Khansele. Setjhaba kapa babokelli ba dikoloto hape ba ka etsa dipatlisiso ka thelefounu ba batla ho tseba boemo ba mmokelli ya itseng wa dikoloto.
Le ha ho le jwalo, Khansele ha e fane ka dikeletso tsa molao ka kakaretso kapa hona ho thusa setjhaba ka mathata a tsa molao a amanang le tefello ya dikoloto.
Leano la Khansele le behwa ke Khansele. Le ha ho le jwalo, Babokelli ba Dikoloto le setjhaba ba dumelletswe ho ka fana ka ditshisinyo.
Ka ho ya ka Karolo ya 4 ya Molao Khansele e tla kopana kgetlo la pele nakong le sebakeng se tla behwa ke moduasetulo mme ka mora moo bonyane hararo selemong se seng le se seng sa ditjhelete sebakeng le ka nako e tla behwa ke modulasetulo, kapa ha a le siyo, hoo o tla etswa ke motlatsi wa modulasetulo.
Khoramo (palo e amohelehileng ya hore kopano e ka tswela pele) bakeng sa kopano ya Khansele e tla botjwa ke bongata ba ditho tsa yona.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA DIKANO YA K.txt</fn>
Sepheo sa bukana ena ke ho tataisa marena ka seo ba tla se etsa ha ba sebedisa taolo ya toka hore e fihlellwe haholwanyane ha ba sebetsa e le dikhomeshenara tsa dikano, le hore ba rale mekgwa ya ho sebetsa e ka sebediswang taolong ya kano kapa ya tiisetso, ho etsa phatlalatso e tiileng le ho saenela ditokomane.
a Matla a ho tshwara ka ntle ho warante: motho, ya tlolang kapa ya leknag ho tlola molao; eo a nahanang hore o balehile kapa o ne a leka ho baleha ha a kwalletswe ka molao; motho ya nang le thepa e utswitsweng ka tlong kapa koloing; motho ya ka fumanwang a e na le thepa eo a ka belaellwang ka botlalo hore e utswitswe kapa e fumanwe ka ho se tshepahale; motho ya ka bonwang bosiu a le maemong a ho mo belaela ka seo a se entseng kapa seo a tla se etsa ka ho tlola molao; motho ya belaellwang a utswitse diruuwa jj. le b Matla a ho sebedisa diwarante tsa ho tshwara motho.
Marena ohle ke bahlanka ba mmuso ba kgotso, mme e eba dikhomeshenara tsa dikano ka lebaka la mosebetsi wa bona. Khomeshenara ya sebedisang matla a hae ke motho eo ka lebaka la mosebetsi wa hae kapa maemo a hae , e se e eba khomeshenara wa dikano. Ha batho ba bang ba tlameha ho ngolla ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo hore ba fuwe mosebetsi e le dikhomeshenara tsa dikano, enwa yena ha a tshwanela ho ngolla ho kopa mosebetsi. Ha dikhomeshenara tsa dikano tse fuweng mosebetsi di fuwa disetifikeiti tsa ho sebetsa, khomeshenara wa dikano ya nang le tokelo ya ho sebetsa ha a hloke setifikeiti hobane o na le kantoro kapa maemo ao a leng ho ona.
Khomeshenara ya dikano o sebetsa sebakeng se itseng, mme a ka sebetsa feela moo sebakeng seo a fuweng mosebetsi ho sona. Mosebetsi ya khomeshenara wa dikano ke ho thusa setjhaba sa lehae ka ho laola kano kapa tiisetso kapa ho phatlalatsa tiisetso ya motho ofe kapa ofe. Mosebetsi o mong wa khomeshenara wa dikano ke ho saenela ditokomane hore ke dikgatiso tsa nnete tsa ditokomane tsa sethatho. Ha ho lefuwe ha ho laolwa kano kapa ho tiisa phatlalatso kapa ho saenela tokomane. Khomesehanara ya dikano ha a dumellwa ho laola kano kapa tiiso e mo amang. Lebaka ke hore motho ya netefatsang afidaviti a se ke a sebetsa ka leeme ka se fuperweng afidaviting e le hore ya ikanang a be le bolokolohi a se ke a tshwaetswa ke se ngotsweng afidaviting. Tshebeletso ena ya dikhomeshenara tsa dikano e etsa hore ho se ke ha eba le lebaka la ho eta o eya hole o batla thuso poleseteisheneng kapa ho makgiseterata.
Diforomo tsa kopo tsa (J5) di ka fumanwa kantorong ya makgiseterata. Foromo ena e na le maqephe a tsheletseng. Maqephe a pele e tsheletseng a tlameha ho tlatswa ke ya kopang, mme maqephe a ho qetela a tlameha ho tlatswa ke makgiseterata eo a tlang ho kgothaletsa ka kopo eo. Ho ya ka tshebetso, ke hore ya kopang o tla buisana le makgiseterata, ho hlophisitswe kopano eo ke Tlelereke ya Lekgotla la Molao. Mabapi le mongodi wa morena kapa moetapele ofe kapa ofe setjhabeng ya fuweng matla ke morena, ho molemo hore ho be le lengolo la kgothaletso le tswang ho morena hore le tla tsamaya le kopo. Makgiseterata o ebe jwale o tla romela foromo ya kopo ha mmoho le lengolo la kgothaletso ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Bahlanka ba Mmuso Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ba tla sebetsa kopo ho fihlela ho ba ho eba le ho kgetha ho etswa ke Motlatsi wa Letona/ Letona kapa baromellwa, bao e yeng e be ba hodimo Lefapheng. Ebe jwale ho romelwa setifikeiti ho makgiseterata ya tla se fa ya kopileng.
Motho ya ikanang (motho ya etsang afidaviti) a ka buisana le khomeshenara ya dikano ka afidaviti, hore a ikane kapa a tiisetswe.
Hore na ha a batle ho ikana ho ya ka moo ho balletsweng ka teng; le iii Hore na o nahana hore kano e balletsweng ke se mo tlamang/ ke se tlamang maikutlo a hae.
Kano e balletsweng e laolwa ka hore ya ikanang a bue mantswe a latelang: "Ke ikana hore dikahare tsa phatlalatso ena ke a nnete, Modimo a nthuse." Ya ikanang o tla kotjwa hore a phahamise letsoho la hae le letona ha a ikana.
Ha e le hore ya ikanang o utlwisisa dikahare tsa phatlalatso, mme a tsebisa khomeshanara ya dikano hore o hana ho ikana kapa a tsebisa khomeshenara hore ha a amohele kano e a mo tlama/ e tlama maikutlo a hae, khomeshenara ya dikano o tla laola tiisetso.
Tiisetso e laolwa ka ho etsa hore ya ikanang a bue mantswe a letalng "ka nnete ke tiisa hore dikahare tsa phatlalatso ena ke nnete."
Ya ikanang a saene phatlalatso ka pela khomeshenara ya dikano. Mabapi le ya ikanang ya sa tsebeng ho ngola, ya ikanang ya jwalo, a etse letshwao khomeshenara ya dikano a le teng. Ha khomeshenara ya dikano a belaela hore ya ikanang ha a tsebe ho ngola, o tla kopa hore ho se tsebe ho ngola hoo ho saenelwe qetellong ya phatlalatso ke motho e mong ya tshepahalang.
Ka mora ho ba ya ikanang a saene kapa a etse letshwao, khomeshenara ya dikano o tla saena hore ya ikanang o amohetse hore o tseba dikahare tsa phatlalatso le ho di utlwisisa, mme o tla bolela hore o tla bolela MOKGWA, SEBAKA le MOHLA oo a entseng kano ka ona. Khomeshenara ya dikano e tla saena phatlalatso e be e hatise lebitso la hae ka botlalo le aterese ya kgwebo ka tlasa tshaeno ya hae, mme a bontshe maemo a hae le hore o sebetsa kantorong efe. Aterese ya Kgwebo e hlalosa aterese ya moo a leng teng e se ng ya poso?
Ditempe tse seng di le teng di a sebediswa ho thusa dikhomeshenara tsa dikano ho laola kano kapa tiiso ka ntle ho ho dieha.
Kgatiso ya tokomane e tlamehang ho saenelwa e le kgatiso ya nnete ya sethataho, mme e bapiswe le tokomane ya sethatho, mme ho hlokomelwe hore ditokomane tse pedi di a tshwana hantlentle. Ha khomeshenara ya dikanao e na le bonnete ba hore kgatiso ke kgatiso ya nnete ya sethatho , mme ha ho a etswa diphetolo tse sa dumellwang, khomeshenara ya dikano a ngole kapa tempele hore saenne hore tokomane ke ya nnete ya sethatho, mme ha ho na moo ho bonahalang hore tokomane ya sethatho e fetotswe ke batho ba sa dumellang. Ka mora moo khomeshenara ya dikano a kgomathisetse tshaeno le ho hatisa lebitso, maemo a mosebetsi, dinomoro tsa ho ka buisana le yena le mohla. Setempe sa malalaalaotswe se teng se ka thusang ka ho saenela ditokomane.
Ha eba kano kapa tiisetso ha e a etswa ka mokgwa o nepahetseng jwalo ka ha ho balletswe, mme taba eo e iswa kgotla, afidaviti e tla ba ha e sebediswe, mme e ka baka mathata a maholo ao ho tea mohlala, dinyeweng tsa ho tlola molao, ho ka etsahalang hore ya molato a se ke a bonwa molato.
Ha khomeshenara ya dikano a tseba hore motho ya buang o ne a sa batle ho ikana, a se ke a laola kano. Ho na le taba ya moo ya molato a ileng a tshwarwa ho ya ka Molao wa Tshireletso a ileng a, ka mora hore a kwalllwe a le mong a be a hlongwe dipotso ka qobello, ileng a qobellwa ke lepolesa hore a ikane ka pela khomeshenara ya dikano. Lekgotla le ile la qhelela thoko molato ha ho elellwa hore ya bonwang a le molato o ile a qobellwa.
Ke molato hore o etse taodiso e fosahetseng afidaviting, tiisetsong kapa netefatsong ya phatalalatso, ha feela taodiso eo e fuperwe ka hara tokomane, mme nnete ya teng e ikanetswe ho, e tiiseditswe kapa e phatlaladitswe ka pela motho ya filweng matla ka molao ho laola dikanao kapa ho ikana ho netefatsa phatlalatso.
i hloleha ho saena phatlalatso le ho hatisa lebitso la hae ka botlalo le aterese ya kgwebo ya hae ka tlasa tshaeno ya hae, le ho ii hloleha ho bolela maemo a hae le sebaka seo a sebetsang ho sona ha a kgethwa a le maemong a mosebetsi.
Boipiletso mabapi le ho fumanwa o le molato.
Khomeshenara wa dikano ya netefatsang diafidaviti, o tlameha hore a sebetse ka ntle ho leeme, le ho ikemela ka hohle ho ya ka kantoro eo a radileng afidaviti ho yona. Moo e leng hore leqwetha le sebetsang ha mmoho le le leng, o sebetsa e le khomeshenara ya dikano a thusa eo a sebetsang le yena, ho ile ha fumaneha hore o hloka boikemelo bo felletseng, mme o ne a e na le kgahleho. Lekgotla le ile la kopa hore afidaviti e netefatswe hape ka pela khomeshenara e tshwanelehang.
Ha eba ditokomane ha di a saenwa ka nepo hore ke dikgatiso tsa nnete tsa sethatho, khomeshenara ya dikano ya saenneng tokomane a ka iphumana a le nyeweng jwalo ka ya thudsang ya molato wa ho thusa motho e mong ho etsa bobodu kapa e le paki e pakang ka ditokomane tse fosahetseng.
Ditempe tsa malalaalaotswe tse tla sebediswa ke morena e le khomeshenara ya dikano, le enke e tla hlokwa, di ke ke tsa fanwa ke Mmuso. Tsena di tlameha ho fumanwa ke morena ka tefello ya hae.
Na o tseba dikahare tsa phatlalatso le ho di utlwisisa KARABO:,..?
Na ha o batle ho nka kano e balletsweng KARABO:..?
Na o bona kano e balletsweng e le e tlamang maikutlong a hao KARABO:..?
Na o batla ho etsa tiisetso?
Ke ikana hore ya ikanang o amohetse hore o tseba le ho utIwisisa dikahare tsa phatlalatso ena, e ileng ya ikanelwa / tiisetswa ke le teng, mme tshaeno ya ikanang/ monwana o motona/ letshwao le ileng la bewa ke le teng.
Aterese ya Kgwebo...
Maemo (renke) mosebetsing o itseng: Rephaboliki ya Afrika Borwa Mohla...
Aterese ya Kgwebo...
i Maemo a mosebetsi a marena e le dikhomeshenara tse mosebetsing tsa dikano: Tsebiso ya mmuso ya No. R. 1180 ya mohla 17 Pudungwana 2000.
Kgetho ya khomeshenara ya dikano: Karolo ya 51 ya Molao wa Ditoka tsa Kgotso le Khomeshenara ya Dikano, wa 1963 Molao wa No. ya 16 ya 1963.
Maemo a mosebetsi a mosebetsi wa dikhomeshenara tsa dikano: Dikarolo tsa 6 tsa Molao wa Ditoka tsa Kgotso le Dikhomeshenara tsa Dikano, wa 1963 (Molao wa No. 16 wa 1963).
Lenane la dikhomeshenara tsa dikano tse sebetsang: Tsebiso ya Mmuso ya No. R. 903 ya 10 Phupjane 1998.
v Lenane la Bahlanka nba Mmuso ba Kgotso: Tsebiso ya Mmuso ya No. R. 159 ya 2 Hlakola 1979.
Phatlalatso ya batho ba itseng e le Bahlanka ba Mmuso ba Kgotso: Karolo ya 334 Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, ya 1977 Molao wa No. 51 wa1977.
Ho tshwarwa ke mphlanka wa mmuso wa kgotso ka ntle ho warante: Karolo ya 40 ya Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, 1977 Molao wa No. 51 wa 1977.
viii Phethiso ya diwarante tsa bahlanka ba kgotso: Karolo ya 44 ya Molao wa Tsamaiso ya Bosenyi, ya 1977 Molao wa No. 51 wa 1977.
v TSEBISO YA MMUSO NO. R.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA MABITSO (1).txt</fn>
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho ananelwa ke setjhaba?
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ke mang ya ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso?
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Ke mabitso a dibaka tseo batho ba ahileng ho tsona esita le meaho ekasitana le mabitso a tsohle tse fumanwang tlhahong.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke lekgotla le eletsang Letona la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji malebana le ho ananelwa ke setjhaba ha mabitso a dibaka.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le thehilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, ditsebi tsa dipuo tsa mmuso le nalane ya meetlo esita le moemedi a le mong ya emetseng provense e nngwe le e nngwe le baemedi ba Bolaodi bo Phahameng ba Diphuputso le Dimmapa, Poso ya Afrika Borwa esita le Lekgotla la Puo la Afrika Borwa (PANSALB).
Bongodi ba Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bo tswa ho Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Le etsa qeto mabapi le sebopeho sa mabitso ana a dibaka mme ebe le etsa dikgothaletso tse lebiswang ho Letona e le hore Letona le etse qeto malebana le kamohelo ya mabitso ao.
Le bokella le ho ngodisa mabitso ana a dibaka esita le hona ho a tsebahatsa.
Le ikamahanya le Matjhaba a Kopaneng, Khomishine ya Moruo ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Afrika, bolaodi ba mabitso a dibaka ba ditho tsa Matjhaba a Kopaneng esita le baemedi ba dinaha tsa mose tse sebetsanang le kananelo ya setjhaba ya mabitso a dibaka.
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
dithaba, maralla, dinoka, diphula, dikou, dinaha tse kgolo esita le dibaka tse ikgethileng, dihlekehleke, madiboho, marokgo le metjhophoro, jwalojwalo.
mabitso a ngodisong (dibaka tseo ho ngodiswang bannga ba ditsha).
Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
mabitso a bolaodi ba lehae meaho ya poraefete esita le mapolasi.
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho ananelwa ke setjhaba?
Ho a etsahala hore ka hare ho naha e le nngwe batho ba sebedise lebitso le le leng bakeng sa dibaka tse fapaneng, kapa ho be le pherekano ka lebaka la hobane mabitso a sebediswang a na le modumo o tshwanang kapa mongolo wa lebitso le itseng le batle le tshwana le la sebaka se itseng. Mabitso a ka nna a ngolwa ka tsela e sa tshwaneng. Mona Afrika Borwa, ka ha e le naha e nang le dipuo tse ngata tse sebediswang, dibaka di ka ba le mabitso a fetang bonngwe.
Mabitso a dibaka lefatsheng lohle a ananetswe ke balaodi ba etsang qeto ka sebopeho sa lebitso le lokelang ho sebediswa mererong ya mmuso esita le mongolo wa lebitso leo.
Ho a hlokeha hore mabitso a ananelwe ka lebaka la ho kgema le nalane ya naha esita le boitsebahatso ba setjhaba, thekiso le kgwebo, tsamaiso ya thepa, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, saense le thekenoloji, bohahlaudi, taolo ya dikoduwa le matsholo a ho batla le ho tshireletsa mahlatsipa, jwalojwalo.
Naheng ya rona esita le dinaheng tse mose, batho ba hlophisang dimmapa le mahlasedinyana a mabitso a dibaka ba thuswa ke mebuso ya dinaha e le hore e ba fe mabitso a seng a ananetswe.
Provense e nngwe le e nngwe e tla kgetha Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense.
Boikarabelo ba Komiti ena ya Mabitso a Dibaka e tla ba ho eletsa bolaodi ba lehae esita le sebedisana le bona e le ho etsa bonnete ba hore ba latela maano a Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bakeng sa mabitso ao komiti e a laolang.
Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense e tla hlokomela hore bolaodi ba lehae esita le bohle ba amehang ba tsebiswa hantle ka tshwanelo pele ho ka nehelanwa ka lebitso lefe kapa lefe ho bolaodi ba lehae ka tumello ya Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense ho leba ho Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Poso le yona e ka nehelana ka mabitso esita le ba ntshetsang thepa pele, mekgatlo e fapaneng esita le batho feela.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le tla amohela dikopo tsohle e le hore le tle le amohele mabitso ao le a laolang le be le hlokomele hore bohle ba amehang ba tsebiswa hantle ka nepo le hore lebitso leo le na le ditlhoko tsohle tseo lekgotla le di lebeletseng.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le tla etsa qeto mabapi le sebopeho sa mabitso mme ebe le tla etsa kgothaletso e tla lebiswa ho Letona.
Ha lebitso le se le amohetswe mme le dumelletswe ke Letona, e tla ba lebitso leo le se le ananetswe ke setjhaba sohle. Lebitso leo jwale le tla phatlalatswa Lehlasedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso.
Ho sebediswa maano a tshwanang mabapi le mabitso ohle a dibaka. Dikomiti tsa Diprovense tsa Mabitso a Dibaka di lokela ho etsa bonnete ba hore bolaodi ba mahae bo tseba le ho hlokomela maano ana.
Mabitso a ka nkuwang e le papatso ya sehlahiswa se itseng, mosebetsi o itseng kapa feme e itseng.
Mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokela ho qojwa, ke ho re, a se ke a sebediswa.
Dibaka tse itseng kapa dintho tse fumanwang sebakeng se itseng di lokela hore di nepane le boemo ba batho bao di reheletsweng ka bona (eseng, ha re tea ka mohlala, ntho e fokolang e rehellwe ka motho ya tsebahalang haholo, ya hlomphehang setjhabeng).
Ho lokela hore ho fumanwe tumello e ngotsweng (lengolo) ho motho kapa e mong wa leloko esita le mojalefa pele lebitso leo la motho eo le ka sebediswa.
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ho ka etswa kopo ha eba mokopi a fumana hore lebitso ha le sa kgema le maano a Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa kapa mohlomong le sa tshwanele dintlha tse ding tsa nalane kapa puo. Kopo e lokela ho etswa hona foromong e tshwanang le e sebediswang ha ho etswa kopo mabapi le mabitso a matjha. Kopo ena e lokela ho tshehetswa ka mabaka a utlwahalang mme, ha eba ho kgoneha, ho be le ditokomane tse supang taba tsena.
Diphetoho di ka baka pherekano ka hare ho naha ya rona kapa dinaheng tse mose mme tsa nka nako ya dilemo pele di ka sebediswa.
Diphetoho di batla tjhelete e ngata mafapheng a fapaneng a setjhaba. Ho ka nna ha tsoha dikgohlano hore na ke mang ya lokelang ho lefa ditshenyehelo tse bakilweng ke diphetoho.
Diphetoho di ka baka tshenyo setjhabeng ho na le ho aha kopano le bonngwe ba setjhaba.
Mabitso a dibaka ke karolo ya letlolo la nalane, meetlo le puo bakeng sa setjhaba mme letlotlo lena le lokela ho bolokwa eseng ho senngwa.
Ke mang ya ka etsang kopo bakeng sa kamohelo ya lebitso?
Mafapha ohle a mmuso, mebuso ya diprovense, bolaodi ba mahae, Poso ya Afrika Borwa, bakgothaletsi ba tswelopele ya thepa esita le mokgatlo kapa motho ya batlang hore sebaka se itseng se rehwe lebitso le itseng.
Mabitso a Dibaka tsa Provense.
Bakopi ba lokela ho hlokomela hore dintlha tsohle tsa bohlokwa di ngotswe ha ba tlatsa diforomo tsena tsa dikopo.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le rata hore batho bohle ba mahae ba be le seabo bakeng sa ho reha mabitso. Ha eba setjhaba se hloleha ho tlatsa foromo ya kopo, se lokela ho etsa kopo ka ho sebedisa bolaodi ba lehae mme e lebiswe ho Dikomiti tsa Mabitso a Dibaka tsa Provense mabapi le ho fumana thuso. Dikomiti tsa Mabitso a Dibaka tsa Provense le tsona di ka kopa thuso ho Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa mme bona ba ka fetisetsa kopo eo ho bafuputsi ba ikgethileng.
Mabitso a dumellanang ka sebopeho ka ho latelana le bolelele. Ntlha ena ke ya bohlokwa mme e lokela hore e hle e nepahale hantle. Mabitso a dumellanang a X le Y ha a dumellwe.
Ho lokela hore ho be le mmapa wa lebatowa wa boholo ba A4.
Ho lokela hore ho bontshwe lehlakore le bohole ba ho tswa lekgotleng le haufi la moahlodi wa dinyewe, mohlala: dikilomethara tse leshome le metso e mehlano ka Borwa Botjhabela...
Puo e sebedisitsweng bakeng sa lebitso. Ha eba lebitso le na le dikarolo tse fapaneng puo e fetang bonngwe, mohlala: isiZulu hammoho le Senyesemane, di lokela ho tsebiswa ka bobedi.
Sethatho le moelelo wa lebitso. Dintlha tsa nalane ya lebitso, ka moo le supang sebaka se itseng ka teng, kapa ho rehella ka ho tlotla motho ya itseng di lokela ho hlaloswa ka botlalo le ka ho qaqa. Dintlha tse fumanweng meqoqong le batho ba itseng di ka fumanwa ka ho buisana le batho esita le ho fumana dingolwa polokelong ya dingolwa tsa kgale. Tsena tsohle di ka hokelwa hammoho le foromo ya kopo.
Kopo e nngwe le e nngwe e lokela ho hlalosa ka botlalo motho eo e leng yena wa sehlooho ya hlahisitseng tsebo ena mme a sisinya lebitso leo le itseng.
Ho lokela hore ho hlahiswe hape lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang. Taba ya ho hlahisa lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang e ka potlakisa ditaba bakeng sa Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa ha eba lebitso la pele le sa amohelwe ka lebaka le itseng jwalo ka ho phetapheta lebitso le seng le ile la amohelwa.
Sebedisa feela foromo e kgethetsweng ho etsa kopo (O se ke wa boela wa tlanya).
Ha eba o romella fakese kapa e-mail, re kopa hore o boele o romelle ditokomane tse saennweng ka poso e le hore dintlha tsohle di hlake.
Lekgotla le ba le dikopano tsa lona hane ka selemo. Bakopi ba lokela ho hlokomela hore ho ananelwa ha lebitso bakeng sa tshebediso setjhabeng e ka ba ntho e nkang nako e telele ka lebaka la hobane ho ka ba le tiehiso ka lebaka la dintlha tse sa fellang kapa tsebo e fosahetseng e tlatsitsweng foromong ya kopo. Ho lokela hore ho be le nako ya mamello e ka bang dikgwedi tse tharo bakeng sa ditlhophiso tsohle mme ho hlokomelwe hape hore ho tlatswe foromo ya kopo ka tshwanelo e le ho boela ho bakwa tiehiso e nngwe hape.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA MABITSO A D.txt</fn>
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (LTMDAB) ke eng?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang?
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ke mang ya ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso?
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Ke mabitso a dibaka tseo batho ba ahileng ho tsona esita le meaho, ekasitana le mabitso a tsohle tse fumanwang tlhahong.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (LTMDAB) le hlonngwe ka ho ya ka Molao wa Afrika Borwa wa Mabitso a Dibaka, wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 118 wa 1998), mme ke mokga o nang le boikarabelo ba ho hlophisa mabitso a dibaka ka ho latela melao e tshwanang mona Afrika Borwa. Ona o thongwa ke Letona la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le thehilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, ditsebi tsa dipuo tsa mmuso le nalane ya meetlo esita le moemedi a le mong ya emetseng provense e nngwe le e nngwe le baemedi ba Bolaodi bo Phahameng ba Diphuputso le Dimmapa, Poso ya Afrika Borwa esita le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PANSALB).
Bongodi ba Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bo tswa ho Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Le beha maano le metheo ya ho rea mabitso a dibaka tsa Afrika Borwa.
Le hlophisa mabitso a dibaka tse ka tlasa taolo ya lona ka ho latela melao e tshwanang. Bakeng sa ho etsa hona, le hlwaya lebitso le rehwang sebaka ka seng, le mokgwa oo lebitso leo le tla ngolwa ka teng.
Le etsa dikgothaletso tse lebiswang ho Letona e le hore le etse qeto malebana le kamohelo ya mabitso ao.
Le ikamahanya le Matjhaba a Kopaneng, Khomishene ya Moruo ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Afrika, bolaodi ba mabitso a dibaka ba ditho tsa Matjhaba a Kopaneng esita le baemedi ba dinaha tsa mose tse sebetsanang le tlhophiso ka ho latela melao e tshwanang ya mabitso a dibaka.
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Ditoropo, metse-ditoropo le hohle moo batho ba phelang teng, diposo, diteishene, ditsela tse kgolo le matamo a mmuso.
Dibopeho tsa tlhaho, mohlala, dithaba, maralla, dinoka, diphula, dikou, dinaha tse kgolo esita le dibaka tse ikgethileng, dihlekehleke, madiboho, marokgo le metjhophoro.
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Mabitso a semolao, ke hore lebitso la naha, mabitso a diprovense le mabitso a makgotla a metse.
Meaho ya praevete esita le mapolasi.
Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Diprovense di hlongwa ka ho ya ka karolo ya 2 (a) ya Molao wa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, wa 1998. Di hlongwa ke lefapha la provense le nang le boikarabelo ho tsa bonono le setso ka mora ho rerisana le Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e na le boikarabelo ba ho eletsa makgotla a metse le ho sebetsa le ona bakeng sa ho etsa bonnete ba hore a sebedisa metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa mabitsong a tlasa taolo ya ona.
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e etsa dikgothaletso ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ka mabitso a dibopeho tse welang ka hara meedi ya provense. E tshwanela ho etsa mosebetsi wa ho lokisetsa ho romelwa ha mabitso ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, mme e na le boikarabelo ba ho bona hore ho rerisanwa ka tshwanelo le baahi ba sebaka le ba bang ba nang le thahasello.
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e hokahana le Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bakeng sa ho ntshetsa pele diphuputso le ho etsa bonnete ba hore mabitso a sa ngolwang fatshe a bokellwa.
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang?
Ho a etsahala hore batho ba sebedise lebitso le le leng bakeng sa dibaka tse fapaneng.
Mabitso a ka ba le modumo o tshwanang kapa lebitso la sebaka se seng le ka ngolwa ka mokgwa o batlileng o tshwana le wa se seng hape.
Mabitso a ka nna a ngolwa ka tsela e sa tshwaneng.
Mona Afrika Borwa, ka ha e le naha e nang le dipuo tse ngata tse sebediswang, dibaka di ka ba le mabitso a fetang bonngwe.
Hona ho ka baka pherekano le ho se be le kutlwisiso. Bakeng sa ho qoba hona, mabitso a dibaka a hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang ke bolaodi lefatsheng ka bophara.
Ho a hlokeha hore mabitso a hlophiswe ka ho latela melao e tshwanang ka lebaka la ho kgema le nalane ya naha esita le boitsebahatso ba setjhaba, thekiso le kgwebo, tsamaiso ya thepa, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, ditshebeletso tsa phedisano, saense le thekenoloji, dikgetho le palo ya batho, bohahlaudi, taolo ya dikoduwa le matsholo a ho batla le ho tshireletsa mahlatsipa, jwalo-jwalo.
Naheng ya rona esita le dinaheng tse mose, batho ba hlophisang dimmapa le mahlasedinyana a mabitso a dibaka ba thuswa ke bolaodi ba dinaha ba theo ya mabitso a dibaka hore bo ba fe mabitso a seng a hlophisitswe ka ho latela melao e tshwanang.
Melawana ya ha jwale ya ho ngola (mopeleto) ya dipuo tseo mabitso a hlahang ho tsona.
Ditabatabelo tsa baahi ba sebaka seo, ha feela hoo ho se kgahlanong le metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Nalane ya tshebebediso ya lebitso.
Tokiso, moo lebitso le fetolwang ka ho ya ka kelo hloko ya ho etsahetseng nakong e fetileng.
Diphetho tsa Matjhaba a Kopaneng mabapi le tlhophiso ya mabitso a dibaka ka ho latela melao e tshwanang.
Dintlha dife kapa dife tse ding tse tshwanetseng tse ka hlwauwang ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Ho hlwaya lebitso la sebaka ho hloka hore ho be le tsebo e lekaneng ya nalane le puo ya sebaka seo, ho be le kgonahalo ya dikgokahano, moya wa ho ba mong le le morabe, le moya wa ho ba mong le le setjhaba.
Ke maano le metheo e tshwanang le eo e hlonngweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa e sebediswang mabitsong ohle a dibaka. Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Diprovense di tshwanetse ho etsa bonnete ba hore makgotla a metse a tseba ka metheo ena e le hore a tle a kgone ho e sebedisa mabitsong a diterata le dibopeho tse ding tsohle tse welang tlasa taolo ya ona.
Mabitso a batho mme a se na motso wa botjhaba a jwalo ka park?
Mabitso a ka nkuwang e le papatso ya sehlahiswa se itseng, mosebetsi o itseng kapa feme e itseng.
Mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokela ho qojwa, ke ho re, a se ke a sebediswa.
Dibaka tse itseng kapa dintho tse fumanwang sebakeng se itseng di lokela hore di nepane le boemo ba batho bao di reheletsweng ka bona (mohlala, e seng ntho e fokolang e rehellwe ka motho ya tsebahalang haholo, ya hlomphehang setjhabeng).
Ho lokela hore ho fumanwe tumello e ngotsweng fatshe ho tswa ho motho kapa e mong wa leloko esita le mojalefa pele lebitso leo la motho eo le ka sebediswa.
Mabitso a seng a tsejwa ka botlalo mme a sebediswa haholo a ka romelwa Lekgotleng la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa. Mabitso hape a ka romelwang ke a amohetsweng ke mokga o ka tlasa taolo ya mmuso kapa ke mmuso wa naha e ikemetseng, kapa tikoloho e neng e ipusa eo ha jwale e seng e wela tlasa Afrika Borwa.
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Mabitso a dibaka ke karolo ya nalane, lefa la setjhaba la setso le dipuo, e leng lona le hlokehang bakeng sa ho baballa ho ena le ho senya.
A mang a maikemisetso a Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke ho nolofatsa tsamaiso ya mosebetsi wa diphetoho bakeng sa theo ya mabitso a dibaka?
Ho ka etswa kopo ha eba mokopi a fumana hore lebitso ha le sa kgema le maano le metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa. Kopo e lokela ho etswa hona foromong e tshwanang le e sebediswang ha ho etswa kopo mabapi le mabitso a matjha, athe kopo ena e lokela ho tshehetswa ka mabaka a utlwahalang mme, ha eba ho kgoneha, ho be le ditokomane tse supang taba tsena.
Dintho tse ding tse sa yeng ka tsela puong tse mabapi le mabitso di ka nna tsa se tshware batho ba bang hantle.
Lebitso le ka nna ba ha le tshware batho hantle ka baka la dikamahano tsa lona le dintho tse ding tse itseng, le ha le hlahisitswe ho se na molato sethathong.
Ha lebitso le ntseng le le teng le fuwa boemo ba semmuso, sebopeho sa lona se ka tshwanela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang (mohlala, mopeleto o ka tshwanelwa ho ntjhafatswa).
Ho ka tshwanelwa hore ho etswe qeto mabapi le boemo ba mabitso a mang a hlahiswang.
Moo mopeleto o fapaneng wa lebitso le tshwanang le sebediswang teng bakeng sa dintho tse fapaneng (jwalo ka motes-toropo le poso, kapa noka le toropo), sebopeho seo se lokelwa ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang.
Ho tshwanetswe hore ho shejwe diakhaeveng, dipaleng tse bolelwang tsa setso, le mehloding e meng.
Ha ho elwa hloko taba ya hore lebitso la sethathong le kgutlisetswe, ntlha e lokelwang ho elwa hloko moo e ka ba ya hore puo ya sethathong eo lebitso leo le neng le hlahisitswe ka lona e se e timetse, mme moo ditlhoko le bokgoni ba morabe ona wa ha jwale e tla ba tsona tsa bohlokwa haholo.
Ho ka nna ha ba boima ho hlwaya sebopeho se nepahetseng sa lebitso la sethathong hobane sebopeho sa lona sa puo ya sethathong (mohlala, dipuo tsa San le Khoi) le sa tsejwe.
Melao e meng ntle le Molao wa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa e laola mefuta e itseng ya mabitso a dibaka (ke hore lebitso la naha, mabitso a diprovense le a makgotla a metse, le mabitso a thepa e nang le beng ba yona).
Ke mang ya ka etsang kopo bakeng sa kamohelo ya lebitso?
Mafapha ohle a mmuso, mebuso ya diprovense, makgotla a metse, Poso ya Afrika Borwa, batho ba ntshetsang pele thepa esita le mokgatlo kapa motho ya ka etsang kopo.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le amohela dikopo tsa ho amohelwa ha mabitso a dibaka tse leng ka tlasa taolo ya lona e be le etsa bonnete ba hore ho ba le ditherisano tse tshwanetseng le hore na lebitso le kgema le ditlhoko tsa Lekgotla ka hohle hohle.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke lona le etsang qeto ya makgaola kgang ka sebopeho kapa dibopeho tsa mabitso e be le etsa kgothaletso ya ona ho Letona.
Hang ho ba lebitso le amohelwe ke Letona, lebitso leo le hlophiswa ka ho tshwana le a mang. Le tla be le se le phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Diforomo tsa dikopo di fumaneha ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (Sheba mohlala wa foromo ka morao bukaneng ena).
Bakopi ba lokela ho hlokomela hore dintlha tsohle tsa bohlokwa di ngotswe ha ba tlatsa diforomo tsena tsa dikopo.
Mabitso a dumellanang ka sebopeho ka ho latelana le bolelele (ka lenane leo). Ntlha ena ke ya bohlokwa mme e lokela hore e hle e nepahale hantle. Mabitso a dumellanang a X le Y ha a dumellwe.
Ho lokela hore ho be le mmapa wa lebatowa wa boholo ba A4.
Ho lokela hore ho bontshwe lehlakore le bohole ba ho tswa lekgotleng le haufi la makgistrata, mohlala, dikilometara tse 15 ka Borwa Botjhabela ho...
Puo e sebedisitsweng bakeng sa lebitso. Ha eba lebitso le na le dikarolo tse fapaneng puo e fetang bonngwe, mohlala: isiZulu hammoho le Senyesemane, di lokela ho tsebiswa ka bobedi.
Sethatho le moelelo wa lebitso. Dintlha tsa nalane ya lebitso, ka moo le supang sebaka se itseng ka teng, kapa ho rehella ka ho tlotla motho ya itseng di lokela ho hlaloswa ka botlalo le ka ho qaqa. Dintlha tsa dipaleng tsa setso di ka fumanwa ka ho buisana le batho, mme ho ka hokelwa ditokomane tse fumanweng diakhaeveng.
Kopo e nngwe le e nngwe e lokela ho hlalosa ka botlalo motho eo e leng yena wa sehlooho ya hlahisitseng lebitso leo.
Ho lokela hore ho hlahiswe hape lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang. Taba ya ho hlahisa lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang e ka potlakisa ditaba bakeng sa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ha eba lebitso la pele le sa amohelwe ka lebaka le itseng (jwalo ka ho phetapheta lebitso le seng le ile la amohelwa).
O kotjwa hore o sebedise feela foromo e kgethetsweng ho etsa kopo (O se ke wa boela wa tlanya e nngwe hape).
Ditokomane tse tshehetsang tse fanang ka tsebiso mabapi le lebitso di amohelehile.
Ha o romela fekese kapa e-mail, o kotjwa hore o boele o romele hape ka poso le ditokomane tsa mantlha tse saennweng.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le rata hore batho bohle ba leng dibakeng ba be le seabo sa ho reha mabitso. Ha eba setjhaba se hloleha ho tlatsa foromo ya kopo, se lokela ho etsa kopo ka ho sebedisa lekgotla la motes, mme e lebiswe Dikomiting tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Provense bakeng sa ho fumana thuso. Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Provense le tsona di ka kopa thuso Lekgotleng la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, mme bona ba ka fetisetsa kopo eo ho bafuputsi ba ikgethileng.
Lekgotla le ba le dikopano tsa lona hararo ka selemo. Ka ha tieho hangata e bakwa ke ho fana ka tsebiso e sa fellang kapa e fosahetseng diforomong tsa dikopo, ka hoo bakopi ba lokela ho hlokomela hore tlhophiso ya lebitso ka ho latela melao e tshwanang e ka nka nako e telele. Ho lokela hore ho be le nako ya mamello e ka bang dikgwedi tse tharo bakeng sa ditlhophiso tsohle mme ho hlokomelwe hape hore ho tlatswe foromo ya kopo ka tshwanelo bakeng sa ho qoba tiehiso e nngwe hape.
Ela Hloko: Sebedisa foromo e le nngwe bakeng sa sebaka ka seng se rehwang lebitso.
Na lebitso leo le bolelang, hape le hlaha puong efe?
Na lebitso leo le tlilo fuwa sebopeho sefe?
Na sebaka seo se Seterekeng sa Makgistrata ofe kapa Provenseng efe?
Na sebopeho seo se bohole bo bokae hape se shebile ho kae ho tloha toropong/ofising ya makgistrata e haufinyane mohlala, 15 km leboya-bophirima ho ?
Bontsha dikgutlo tse nne tsa lefatshe tse supang mahlakore, ke hore na ke ka leboya kapa borwa, botjhabela kapa bophirima. ha ho kgoneha. Kenya mmapa wa boholo ba A4.
Na lebitso le sisingwang ke la kgale haholo dilemo tse 50 kapa ka hodimo ho moo, kapa ha se la kgale haholo dilemo tse 10 50, kapa le letjha dilemo tse 5 kapa ka tlase ho moo?
Bakeng sa tshisinyo ya ho fetolwa ha lebitso, fana ka lebitso la kgale le mabaka a ho fetolwa ha lona.
Boemo ba mokopi:..
Boemo ba semmuso ba motho kapa mokopi, mohlala, morena wa morabe, o emetse lefapha la mmuso, Transnet, mmuso wa provense, lekgotla la motes, khampani ya praevete, sehlopha se nang le tjantjello, kapa ho hong (bolela).
Dintlha tse mabapi le motho le/kapa mothahaselli ya faneng ka tsebiso e mabapi le lebitso a Lebitso:.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA MESEBETSI L.txt</fn>
Aterese ya poso le ya seterata, fonofono, nomoro ya fekese le nomoro ya poso ya elektroniki ya mohlanka/bahlanka ba ditsebiso ho latela Karolo ya 17 ya Molao. (Karolo ya 14 (b) ya Molao.
Tlhaloso ya tataiso e boletsweng Karolong ya 10, haeba e fumaneha esita le kamoo e ka fihlellwang ka teng. (Karolo ya 14 (c) ya Molao.
Dintlha tse lekaneng bakeng sa ho potlakela kopo ya ho fumana rekoto ya Lefapha la Temo la Setjhaba, tlhaloso ya dihlooho tseo Lefapha la Temo la Setjhaba le bolokang direkoto tsa lona ho tsona esita le mekga ya direkoto e bolokilweng sehloohong ka seng. (Karolo ya 14 (d) ya Molao.
Tsebiso ya ho qetela ho latela Karolo ya 15 , haeba e le teng, malebana le mekga ya direkoto tsa Lefapha la Temo la Setjhaba tse fumanehang ka ntle le hore motho a kope tumello ya ho di fumana ho latela Molao (Karolo ya 14 (d) ya Molao.
Tlhaloso ya mesebetsi e fumantshwang setjhaba ke Lefapha la Temo la Setjhaba esita le kamoo mesebetsi eo e ka fihlellwang ka teng. (Karolo ya 14 (f) ya Molao.
Tlhaloso ya tlhophiso efe kapa efe kapa tshebeletso ya motho ya itseng eseng mokgatlo wa setjhaba ka dipuisano, ho etswa ditshwantsho kapa ka tsela e nngwe, ho ba le seabo kapa ho kgothaletsa ho thehwa ha maano kapa phethahatso ya mesebetsi ke Lefapha la Temo la Setjhaba. (Karolo ya 14 (g) ya Molao.
Tlhaloso ya mekgwa yohle e teng malebana ka ho latela molao kapa ho hloleha ho phethahatsa ho latela Lefapha la Temo la Setjhaba. (Karolo ya 14 (h) ya Molao.
Dintlha tse ding tse ka kgothaletswang. Karolo ya 14 ya Molao.
Lefapha la Temo le ikemiseditse ho etella pele ntshetsopele ya temo bakeng la kgolo ya moruo wa mona Afrika Borwa esita le ho ba le seabo se matla sa ntshetsopele ya temo naheng ya Afrika.
Ntlafatsa le ho baballa tlhokomelo ya setjhaba ya dijo esita le ho potlakisa tshehetso ya tswelopele ya mapolasi.
Ho thusa ka taolo ya mathata le dikoduwa ka hara tshebeletso ya temo.
Ho thusa hore ho be le theho, ngodiso le tlhokomelo ka ho lekolwa ha dikoporasi Mosebetsi ona o lokela ho fetisetswa ho Lefapha la Kgwebo le Diindaseteri.
Ho thusa ka tswelopele ya kgwebo ya temo e amohelang ho ba le seabo ka ho lekana esita le ho arolelwa ka ho lekana esita le kgolo ya kgwebo.
Ho ntshetsapele, ho kgothaletsa mokgwa wa temo wa Afrika Borwa o nang le seabo se nang le tlhodisano mebarakeng ya lehae.
Ho ntshetsapele ho ba le seabo ho tsotehang ha mokga wa Afrika Borwa wa temo dikgwebong tsa matjhaba.
Ho ruta ka mekgwa ya kgwebo esita le ho fana ka keletso malebana le tlhahiso ya temo, matlotlo le tshebetso ya mokga.
Dipalopalo tsa Temo.
Ho laola, ho ntshetsa pele le ho kopanya tlhahiso ya mehlape, moetlo o amang tshebediso ya metsi, ho tsoma diphoofolo tse hlaha esita le ho baballa diphoofolo.
Ho laola, ho ntshetsa pele le ho kopanya tlhahiso ya dimela le taolo ya dikokwanyana tse fallang.
Ho fihlella tshebediso e tswellang ya mehlodi ya thuso ya tlhaho.
Ho thusa ka mosebetsi wa tshehetso ya taolo bakeng sa diphuputso tsa temo.
Ho laola, ho ntshetsa pele le ho kopanya tshebediso e tswellang ya mehlodi ya thusop ya temo esita le ho theha mekgwa ya boitsebahatso le maemo bakeng sa tshebediso e nepahetseng ya mobu, metsi le tshireletso ya naha bakeng sa temo.
Ho fokotsa dikoduwa tse thefulang dimela le diphoofolo esita le hona ho etsa bonnete ba hore ho be le tiisetso ya boleng bo phahameng.
Ho laola le ho fana ka mokgwa wa taolo wa naha o nang le nyalano tshehetsong ya tshebediso e tswellang ya mehlodi ya thuso ya motheo bakeng la dijo tsa temo.
Ho fokotsa dikoduwa tse ka hlahelang dimela, dihlahiswa tsa dimela le dintho tse ding tse itseng.
Ho fokotsa dikoduwa tse ka hlahelang diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo ka lebaka la tshebediso ya metsi a sa hlwekang.
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le tlhompho ya melao ya temo le taolo ya dikoduwa malebana le dihlahiswa tsa temo.
Ho ntshetsa pele, ho kopanya le ho tshehetsa dikamano le dinaha tsa matjhaba bakeng sa Temo ya Afrika Borwa e thehilweng ntshetsopeleng ya kgwebo, thekenoloji, phapanyetsano kapa thuso ya setekgeniki, kwetliso le dipolotiki.
Ho fana ka ditshebeletso tsa dikgokahano.
Ho tataisa le ho laola thuto ya temo le kwetliso bakeng sa tswelopele e tsotehang ya basebetsi ka hara mokga.
Ho thusa ka ho rala le ho sebedisa mokgwa wa thero, tebelo le hlahlobo bakeng sa ho hlokomela hore ho be le tshebetso e ntle ya mokgatlo e le ho fihlella merero ya mekolokotwane e beilweng.
Ho theha mokga wa temo o matla mme o ntshetsang pele moruo dibakeng tse tsebahalang ka tlhahiso ya dinku le dipodi mona Afrika Borwa.
Ho ntshetsa pele taolo ya basebetsi; tshebetso ya mokgatlo esita le kwetliso ya ka hare.
Ho laola tikoloho ya ditsebiso le botekgeniki ba dikgokahano bakeng sa tshehetso ya Lefapha la Setjhaba la Temo le mesebetsi ya lefatshe lohle mererong ya kgwebo.
Ho bokella hape melato ya temo, ho laola ka tshwanelo tshireletso le tefo ya ditjhelete.
Tataiso ena e tla fumanwa ho Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho ka nako e seng ka morao ho kgwedi ya Phato selemong sa 2003. Re kopa hore ditletlebo tsohle di lebiswe ho Yuniti ya PAIA ya Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho.
Tlhaloso ya dihlooho le mekga ya direkoto e bolokilweng ke Lefapha la Temo la Setjhaba.
P.2 di latelwa ke a/ le lebitso la leano.
Molawana, mohlala 1.3.2 / Molao wa Mosebetsi wa Setjhaba.
Melao le/kapa tlhaku ena ya R, mohlala: 1.3?
Mosebetsi wa Setjhaba/R.
L, mohlala: 1.3.2/Mosebetsi wa Setjhaba/L?
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha bakeng sa molawana ka nngwe ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la molawana.
Bula faele e ntjha e ikgethileng bakeng sa khoutu ka nngwe kapa molao o amohetsweng ka ho sebedisa dinomoro tsena di latelwa ke a/ le lebitso la khoutu, molawana kapa molao o sebediswang.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 2.P.2 e latelwa ke a/ le lebitso la leano.
Tlhophiso ya mosebetsi le kabo ya mesebetsi bakeng sa lenaneo la dipatlisiso ka tsa mosebetsi, sheba 2.
Bula faele e ntjha bakeng sa pehelo e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 2.6.3 e latelwa ke a/ le lebitso la pehelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.P.
e latelwa ke a/ le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.1.
e latelwa ke a/ le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa balaodi ba ka sehloohong, balaodi, kapa balaodi ba banyenyane ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.3.2.4 e latelwa ke a/ le lebitso la balaodi kapa balaodi ba banyenyane.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ofe kapa ofe wa molao ka ho sebedisa nomoro ena ya 3 4 22.2 e latelwa ke a/ le lebitso la mokgatlo oo wa molao.
Mananeo a ikgethang le di-CD?
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo lefe kapa lefe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.5.5.
le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ntjha ya nyewe bakeng sa mokgatlo ka nngwe wa Basebetsi mme e le mokgatlo wa kgwebo ka ho sebedisa nomoro ena 3. 8.2.
le lebitso la mokgatlo wa Basebetsi wa kgwebo.
Ntshetsopele ya tshebetso tlhokomelo ya batho ba sebeletswang.
Bula faele e ntjha ya nyewe bakeng sa mokgwa ka mong wa tekanyo ka ho sebedisa nomoro ena 3. 15.2 mme e latelwa ke a/ le lebitso la mokgwa wa tekanyo.
Bula faele e ntjha bakeng sa maemo kapa tekanyetso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.15.3 e latelwa ke a/ le lebitso la maemo kapa mekgwa eo ya tekanyo e tlwaelehileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokwetlisi ka mong hammoho le ntshetsopele ya mekgwa le maano ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.15.
e latelwa ke a / le lebitso la mokwetlisi.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo, foramo, jwalojwalo, ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.16.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo kapa foramo.
Bula faele e ntjha bakeng sa karolo ka nngwe e le ho kenyeletsa moralo wa tshebetso wa sebaka sa mosebetsi, ntshetsopele ya bokgoni ba ho etsa mosebetsi, moralo wa tatelano kapa meralo ya mosebetsi, ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.17.
e latelwa ke a / le lebitso la bokgoni.
Bula faele e ntjha bakeng sa nalane ya bokgoni, ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.17.2 e latelwa ke a / le lebitso la bokgoni.
Bula faele e ntjha bakeng sa karolo ka nngwe ya kwetliso ka jwalojwalo, ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la kwetliso.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la seminara.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.6.3 e latelwa ke a / le lebitso la seminara.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.5.
le lebitso la thuto e ikgethileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano ya tshebetso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.6.5 e latelwa ke a / le lebitso la kopano ya tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa setsi sa thuto ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.
e latelwa ke a / le lebitso la setsi sa thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero o ikgethileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo la kwetliso ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.12.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo la kwetliso.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo la kwetliso le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.12.
e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo la kwetliso.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo la kwetliso le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 3.18.12.
e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo la kwetliso.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena 3.18.13.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo. Difaele tsena di ka kenyeletsa le Mananeo a Batjha, Mananeo a basadi, kapa batho ba holofetseng esita le mananeo a mang a ikgethileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena 3.19.1.
le lebitso la thuso.
Bula faele e ntjha bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena 3.19.2.
le lebitso la motho.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa lefapha le leng le le leng mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la lefapha.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa mokgatlo o mong le o mong mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa mokgatlo o mong le o mong mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa pehelo e nngwe le e nngwe mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la pehelo.
P.2 mme e latelwe ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa tekanyetso e nngwe le e nngwe mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la tekanyetso.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa motho e mong le e mong mme o sebedise nomoro ena ya mme e latelwe ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e nngwe esele bakeng sa akhaonte e nngwe le e nngwe ya ho kenya tjhelete mme o sebedise nomoro ena ya 4.2.9 mme e latelwe ke a / le lebitso la akhaonte ya ho kenya tjhelete bankeng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa phokotso ya meputso ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.3.1.
le lebitso la phokotso.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa tefo ya dibonase le dihlapiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la bonase / dihlapiso.
Bula faele e ntjha bakeng sa molato wa ditjhelete pakeng tsa mafapha ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.3.4 e latelwa ke a / le lebitso la tsebiso ya molato.
Bula faele e ntjha bakeng sa motho ya lokelang ho leshwa ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.3.5 e latelwa ke a / le lebitso la motho ya lokelang ho leshwa.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka mong wa tefo e fetisetswang akhaonteng e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.3.
e latelwa ke a / le lebitso la phetisetso akhaonteng e ntjha.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa diakhaonte tsa kakaretso ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.4 e latelwa ke a / le lebitso la akhaonte ya kakaretso.
Bula faele e ntjha bakeng sa matlotlo ana a boloketsweng mekgatlo ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la matlotlo a boloketsweng mekgatlo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa diakhaonte tse ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la akhaonte e ikgethileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa dipehelo tsa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.6.
le lebitso la pehelo ya ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa nyehelano ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la nyehelano.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa tshireletso ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshireletso.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa tshebetso e pethilweng ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.10 e latelwa ke a / le lebitso la mosebetsi o phethilweng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa dikabo o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la kabo.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo ka seng sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.12.
e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa phuputso ya baemedi ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.12.4 e latelwa ke a / le lebitso la mofuputsi.
Bula faele e ntjha bakeng sa patlisiso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la mofuputsi.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo se seng le se seng sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.12.2.7 e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa patlisiso e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.12.3.3.2 latelwa ke a / le lebitso la patlisiso.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ikgethang ho latela nteterwane kapa alfabete ka ho ya ka mofepedi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.13.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mofepedi.
Bula faele e ikgethang ka ho ya ka mofepedi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.13.1.
e latelwa ke a / le lebitso la mofepedi.
Bula faele e ikgethang ho latela lenane kapa sebaka ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la lenane kapa sebaka.
Bula faele e ikgethang ka ho ya ka lenane la taolo ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.13.2.3.
e latelwa ke a / le lebitso la mofepedi.
Bula faele e ntjha bakeng sa kamohelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.13.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la kamohelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa rathendara ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.14.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la thendara.
Bula faele e ntjha bakeng sa rathendara ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.14.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la thendara.
Bula faele e ntjha bakeng sa selekane ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.14.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la konteraka.
Bula faele e ntjha bakeng sa morero o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga wa hlahlobo ya diofisi ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobo ya diofisi.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenane la tse lahlehileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenane la tse lahlehileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa molato wa koloi ya poraefete ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la molato wa koloi ya poraefete.
O mong le o mong wa koloi ya lefapha ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.4.3.
e latelwa ke a / le lebitso la molato wa koloi ya lefapha.
Hammoho le dinotlolo tsa polokelo ya tjhelete le disetifikeiti tsa phetolo.
Bula faele e ntjha bakeng sa tletlebo ka nngwe eo e seng ya molao ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la tletlebo.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.15.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Mabapi le ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho se itseng.
Bula faele e ntjha bakeng sa lefapha ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 4.16.2 e latelwa ke a / le lebitso la lefapha.
Bula faele e ntjha bakeng sa pehelo e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ya 4.17.2 e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Mabapi le ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho se itseng.
Bula faele e ntjha bakeng sa lekgotla ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la lekgotla.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa kopano ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.1.
e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa pehelo ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.2.
e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa nyehelano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la nyehelano.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ntjha bakeng sa patlisiso ka nngwe ya Letona kapa Palamente ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la patlisiso ya Letona kapa Palamente.
Bula faele e ntjha bakeng sa bajete ka nngwe esita le selemo ka seng sa bajete eo ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.6.2 e latelwa ke a / selemo le lebitso la bajete, mohlala, 5.3.6.2/01 Taolo.
Bula faele e ntjha bakeng sa kananelo ka nngwe ya ramatlotlo ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.7.
e latelwa ke a / le lebitso la kananelo ya ramatlotlo.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.3.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa mosebetsi ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa mesebetsi ya ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mesebetsi ya ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa mesebetsi e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4.3.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mesebetsi e menyenyane.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa moaho ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4.3.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga, mohlala 5.4.3.3.
Bula faele e ntjha bakeng sa ofisi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4 3.4.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka mong wa bodulo ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.4.3.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la bodulo.
Bula faele e ntjha bakeng sa phuputso e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.5.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la phuputso.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa hlahlobiso ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobiso.
Bula faele e ntjha bakeng sa hlahlobo ka nngwe ya tshireletso ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.5.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobo.
Bula faele e ntjha bakeng sa moralo wa nakwana le wa tlokotsi ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.5.9.
e latelwa ke a / le lebitso la moralo wa nakwana le wa tlokotsi.
Bakeng sa ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho se itseng.
Bula faele e ntjha bakeng sa komiti / kopano e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 5.5.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la komiti / kopano.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 6.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa thendara e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 6.1.5.
e latelwa ke a / le lebitso la thendara.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa tse ajwang ka ho sebedisa nomoro ena ya 6.1.6.
Bula faele e ntjha bakeng sa palo e nngwe le e nngwe ya thepa ka ho sebedisa nomoro ena ya 6.1.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la thendara.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mosebetsi o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la mosebetsi, mohlala: 6.2.2 / COURIER.
Bula faele e ntjha bakeng sa ketsahalo e nngwe le e nngwe ya tshireletso mosebetsing ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la ketsahalo.
Bula faele e ntjha bakeng sa ketsahalo e nngwe le e nngwe ya tshireletso mosebetsing ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la ketsahalo.
Bula faele e ntjha bakeng sa ketsahalo e nngwe le e nngwe ya Bophelo le Tshireletso ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la ketsahalo.
Bula faele e ntjha bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.5.
e latelwa ke a / le lebitso la motho.
Bula faele e ntjha bakeng sa lenaneo le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ntjha bakeng sa ketsahalo e nngwe le e nngwe ya tikoloho ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la ketsahalo tikolohong.
Bula faele e ntjha bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la motho.
Bula faele e ikgethang bakeng sa pehelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 7.9.
e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng le ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.P.3 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgwa o mong le o mong wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.PR.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa maemo ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.S.2 e latelwa ke a / le lebitso la maemo.
l Thekenoloji ya tsebo l.l Dikamano l.l.l Tse hlokehang malebana le dikamano ka maranrang a mehala l.l.
e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi wa phepelo.
E lokela ho kenyeletsa tshekatsheko, ntshetsopele, ho iswa sebakeng se seng mosebetsing, kwetliso, taolo le paballo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgwa wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.1.2.2.
e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa bolaodi ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.1.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ntjha bakeng sa tumellano ya boemo ba mosebetsi ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.1.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la tumellano ya maemo a tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgwa wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 8.12.4.
e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa koloi ka nngwe ya mmuso ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.1.
e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi ya mmuso.
Bula faele e ntjha bakeng sa bolaodi ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.1.
le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.7 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ntjha bakeng sa selemo se seng le se seng sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.8 e latelwa ke a / le lebitso la selemo sa ditjhelete.
Bula faele e ntjha bakeng sa bolaodi ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.
le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.10 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.11 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ntjha bakeng sa bolaodi ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.
le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.13 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.14 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.3.1 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa koloi e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.3.1 e latelwa ke a / le nomoro ya ngodiso ya koloi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kopano e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.2.11 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka mong wa dipalangwang ho ya ka selemo le selemo ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.7.2 e latelwa ke a / le mokga wa dipalangwang.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.9.1 e latelwa ke a / le lebitso la motho.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la motho.
Bula faele e ntjha bakeng sa motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 9.9.
le lebitso la motho eo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molao ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.1.
le lebitso la molao.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa selekane ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la selekane.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tumellano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la tumellano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tumellano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la tumellano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lengolo la bopaki ba boikano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lengolo la bopaki ba boikano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga wa keletso malebana le tse amang motho ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molato ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la tsebiso ya molato.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kahlolo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la nyewe.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa nyewe ka nngwe e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 10.7.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la nyewe.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Lenane lena ke la mekgatlo ya tshehetso feela; bakeng sa mekgatlo ya tatelano, tadima lenane la mekgatlo ya thuso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lekgotla ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 11.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la lekgotla.
Bakeng sa faele ya Kamohelo ya Dithoho latela lebitso la lekgotla le a / le lentswe lena Ditho?
Bakeng sa faele ya Tlhophiso ya Dikopano ho latela lebitso la lekgotla le a / le lentswe lena Ditlhophiso?
ho latela lebitso la lekgotla le a / le lentswe lena Metsotso?
Bula faele e ikgethileng bakeng sa seboka ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 11.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la seboka.
Bakeng sa faele ya Ditlhophiso ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Ditlhophiso?
ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Metsotso?
Bula faele e ikgethileng bakeng sa seboka ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 11.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la seboka.
Bakeng sa faele ya Ditlhophiso ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Ditlhophiso?
ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Metsotso?
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kopano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 11.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bakeng sa faele ya Ditlhophiso ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Ditlhophiso?
ho latela lebitso la seboka le a / le lentswe lena Metsotso?
Letoto lena le lokela ho sebediswa feela bakeng sa dipehelo tsa selemo le selemo, kotara le kotara, kgwedi le kgwedi le dipehelo tse ding le tse kgutlisitsweng tse ke keng tsa behwa tlasa letoto le leng le leholo.
Dipehelo tse ding tse malebana le dintlha tse ding tse ikgethileng di lokela ho hlahiswa tlasa dikarolo tse loketseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa pehelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 12.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Ke dintlha tsa tsebo ka dihlooho tse se nang ditaba tse ngata tse lokelang ho kenyeletswa mona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.1.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.1.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.1.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.3.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ka nngwe ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 13.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la karolo ya tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.P.
e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga wa diphatlalatso ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la phatlalatso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa pontsho ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la pontsho.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng la Radio kapa thelevishene ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo la Radio kapa thelvishene.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa bolaodi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.6.3.
e latelwa ke a / le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa bolaodi / lekala ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.6.4.
e latelwa ke a / le lebitso la bolaodi / lekala.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba ya kgatiso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.8.
e latelwa ke a / le lebitso la taba ya kgatiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa letsholo la lehae ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.9.
e latelwa ke a / le lebitso la letsholo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa letsholo la ka ntle ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.9.
e latelwa ke a / le lebitso la letsholo la ka ntle.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa ramosebetsi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.10.4.
e latelwa ke a / le lebitso la ramosebetsi.
Bakeng sa ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng e ikgethileng ya sehlooho se itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa ntho e itseng ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 14.12.
e latelwa ke a / le lebitso la ntho e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.1.2.
e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.1.3.
e latelwa ke a / le lebitso la leano.
mokgwa wa tshebetso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.2.
mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tshekatsheko ka nngwe ya mokga le lebatowa ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.1.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tshekatsheko ka nngwe ya mokga le lebatowa ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa bolemi ba dirapa ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.3.3 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko la mokga o monyenyane wa bolemi ba dirapa.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa tlhokomelo ya diphoofolo ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.3.4 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko la mokga o monyenyane wa tlhokomelo ya diphoofolo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa tlhokomelo ya dijalo ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.3.5 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko la mokga o monyenyane wa tlhokomelo ya dijalo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa ditlhahiso tse bohareng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.4.1.8 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko la mokga o monyenyane wa ditlhahiso tse bohareng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lebatowa ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko la lebatowa ka leng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa morero o itseng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.4.2.3 e latelwa ke a / le lebitso la morero o itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mekgwa e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tshekatsheko ya tikoloho ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko ya tikoloho.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa seo e leng sa mmuso ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.6.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la thepa eo ya mmuso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa poraefete ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.6.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa poraefete.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa mmuso ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.6.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa mmuso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa poraefete ka ho sebedisa nomoro ena ya 15.6.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa poraefete.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa diphatlalatso ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa diphatlalatso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa polasi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la polasi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa polasi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la polasi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa polasi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la polasi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tsamaiso ya polasi ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tsamaiso ya polasi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.4.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.4.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.4.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa dipuisano malebana le thekiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la puisano eo ya thekiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa dipuisano malebana le thekiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la puisano eo ya thekiso.
Bula faele e ntjha malebana le lenaneo la tsamaiso le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 16.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo leo la tsamaiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.1.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lenaneo ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.1.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la lenaneo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa hlahlobo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.1.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa tlhokomelo ya mathata a ka hlahang ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la bothata bo ka hlahang.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.4.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa maemo a tikoloho ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la boemo ba tikoloho.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa molao ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa molao.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa ba nang le seabo ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.4.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la monnga seabo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lehokela ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 17.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la lehokela.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa selemo ka seng sa ditjhelete ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.1.1.3 e latelwa ke a / le lebitso la selemo ka seng sa ditjhelete.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sehlopha ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.1.1.4 e latelwa ke a / le lebitso la motho kapa sehlopha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgatlo e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.1.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mekgatlo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.1.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lefapha ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la lefapha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgatlo e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mekgatlo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgatlo ka nngwe o ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.2.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la mekgatlo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa dintlha tse amang motho ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.2.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la tseo tse amang motho.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa komiti ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la komiti.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa pehelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgatlo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga o moholo le o monyenyane ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga o moholo kapa o monyenyane.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.3.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa komiti ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.3.14.2 e latelwa ke a / le lebitso la komiti.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa selekane ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la selekane.
Bula faele e ikgethang bakeng sa karolwana ka nngwe ya tshebetso mme o sebedise nomoro ena ya 18.6.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.12.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.13.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.14.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.15.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.16.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.17.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.17.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.18.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.19.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.20.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.21.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.22.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.23.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.24.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.25.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.26.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.27.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa seboka ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la seboka.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa taba kapa ntlha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la taba kapa ntlha e itseng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.6.23.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa pehelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.12.2 e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mehlodi ya tsebo ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.13.1 e latelwa ke a / le lebitso la mehlodi ya tsebo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 18.14.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.PR.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molao le leano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la molao le leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ya tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tlhohlomiso malebana le phediso ya lehola ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la tlhohlomiso ya phediso ya lehola.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tlhohlomiso malebana le paballo ya mobu ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.3.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la tlhohlomiso ya phediso ya lehola.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa maano a tshireletso ya dikgohola ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.3.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano la tshireletso ya dikgohola.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ya taolo ya makgulo ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.4.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa taolo ya makgulo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ya taolo ya makgulo ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa taolo ya makgulo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekgwa e ikgethileng ya paballo ya naha e mongobo ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa paballo ya naha e mongobo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tlhohlomiso malebana le phediso ya lehola ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.4.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la tlhohlomiso ya phediso ya lehola.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sehlopha ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlopha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tletlebo kapa patlisiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.1.6.2 e latelwa ke a / le lebitso bakeng sa tletlebo kapa patlisiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molao kapa leano ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la molao kapa leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgwa ka nngwe o ikgethileng wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sesenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la sesenyi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tikoloho ya sesenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.2.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la tikoloho ya sesenyi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tletlebo kapa patlisiso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.2.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la tletlebo kapa patlisiso.
Molao wa 70 wa selemo sa 1970.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa melao e ikgethileng le leano ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la molao le leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgwa wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.3.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa karolwana ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.3.3 e latelwa ke a / le lebitso la karolwana.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tletlebo kapa patlisiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.3.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la tletlebo kapa patlisiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molao kapa leano ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.4.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la molao kapa leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgwa wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tletlebo kapa patlisiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la tletlebo kapa patlisiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.5.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tshisinyo ya morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.5.2.2.3 e latelwa ke a / le lebitso la tshisinyo ya morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mananeo a ikgethileng a kwetliso ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.5.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mananeo a kwetliso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kopano ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.5.2.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kaho ya mohlodi kanngwe wa tsebo ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.6.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la kaho ya mohlodi wa tsebo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa hlahlobiso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa molao ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lefapha ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.10.3 e latelwa ke a / le lebitso la lefapha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa setsi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.10.4 e latelwa ke a / le lebitso la setsi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lehokela ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la lehokela.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sebolaya-ditlamatlama ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la sebolaya-ditlamatlama.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sebolaya-disenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.11.3 e latelwa ke a / le lebitso la sebolaya-disenyi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa disebediswa ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.11.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa disebediswa.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sebolaya-ditlamatlama ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.12.2 e latelwa ke a / le lebitso la sebolaya-ditlamatlama.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sebolaya-disenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.12.3 e latelwa ke a / le lebitso la sebolaya-disenyi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa disebediswa ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.12.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa disebediswa.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa khamphani ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 19.11.4 e latelwa ke a / le lebitso la khamphani.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokga ka nngwe wa disebediswa ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokga wa disebediswa.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa ngodiso ya dihlahiswa tsa temo ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la dihlahiswa tsa temo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa ngodiso ya dihlahiswa tsa diphoofolo ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.4.1 e latelwa ke a / le lebitso la dihlahiswa tsa diphoofolo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa khamphani ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la khamphani.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa khamphani ka nngwe e hlahlobilweng ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.6.1 e latelwa ke a / le lebitso la khamphani e hlahlobilweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokgatlo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 20.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.2.3 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.2.4 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa hlahlobo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobo ka nngwe.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa hlahlobo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la hlahlobo ka nngwe.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa tshekatsheko ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la tshekatsheko ka nngwe.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha, sehlahiswa le mosebedisi wa sona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha, sehlahiswa le mosebedisi wa sona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekenella e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.11.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le mokenella.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.12.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.12.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mekenella e ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.12.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le mokenella.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha le sehlahiswa sa yona ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.13.2 e latelwa ke a / le lebitso la naha le sehlahiswa sa yona.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sesenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.13.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la sesenyi ka seng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sesenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.13.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la sesenyi ka seng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sesenyi ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.13.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la sesenyi ka seng.
Bakeng sa ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho sena.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lehokela ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.14.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la lehokela.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mmuso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.14.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mmuso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa lehokela ka leng la matjhaba ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.14.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lehokela la matjhaba.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa komiti ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 21.15.2 e latelwa ke a / le lebitso la komiti.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.2.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.3.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.3.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.3.5 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.3.6 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.5.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mokopi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena 22.1.2.5.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.6.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.7.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.7.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.8.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.8.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2.11.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.1.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.2.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.2.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.2.5 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.2.6 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mokopi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.4.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.4.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.4.5 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.5 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.6.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.6.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.7.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.7.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.3.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.4.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Tshebeletsong ya meroho ya BATAT?
Bula faele e ikgethileng bakeng sekgahla sa thekiso ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la sekgahla sa thekiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mmaraka ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mmaraka.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mmaraka o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.2.2.4 mme e latelwa ke a / le lebitso la mmaraka.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mmaraka o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.2.2.4 mme e latelwa ke a / le lebitso la mmaraka.
Bula faele e ikgethang bakeng sa kaho e atlehileng ka ho qolleha ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.2.4.2 mme e latelwa ke a / le lebitso la kaho e atlehileng.
Bula faele e ikgethang bakeng sa ho tsetela kapa phahamiso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.2.5.2 mme e latelwa ke a / le lebitso la phahamiso.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mokgatlo o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.3.2.2 mme e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mokgatlo o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.3.3.2 mme e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mokgatlo o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.3.4.2 mme e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ikgethang bakeng sa leano le leng le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.P mme e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mohlodi o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.5.3 mme e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethang bakeng sa mohlodi o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.5.4 mme e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethang bakeng sa setsi se seng le se seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.7.1 mme e latelwa ke a / le lebitso la setsi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.7.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.7.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.7.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa provense ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 22.8.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la provense.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa sebaka se ngodisitsweng ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.1.1 e latelwa ke a / le lebitso la sebaka se ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e ngodisitsweng ho Leano la Mangolo a Bopaki bakeng sa Peo mona Afrika Borwa ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.2.2 .1.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e ngodisitsweng ho Leano la Mangolo a Bopaki bakeng sa Ditapole tse tswekere mona Afrika Borwa ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.2.2 .2.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e ngodisitsweng ho Leano la Mangolo a Bopaki bakeng sa Merara mona Afrika Borwa ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.2.2.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e ngodisitsweng ho Leano la Mangolo a Bopaki bakeng sa Difate tsa ditholwana mona Afrika Borwa ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.2.2.4.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e ngodisitsweng ka ho latela Molao wa Diphoofotswana tse nyenyane ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e e romellang ho ya dinaheng tse ding dimela kapa thepa ho latela karolo ya 27 ya Molao wa Ntlafatso ya Dimela ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.2.2 .3.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e amohetseng Lengolo la Bopaki la OECD ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo e ngodisitsweng.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa kgwebo ka nngwe e amohetseng Lengolo la Bopaki la OIC ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.9.6.1 e latelwa ke a / le lebitso la kgwebo.
Peo e sa tsamaelaneng le ditshwanelo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa pehelo e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.10.2.1.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.10.2.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa laboratori e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.10.5.7 e latelwa ke a / le lebitso la laboratori.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.3 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.4 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mohlodi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.5.3 e latelwa ke a / le lebitso la mohlodi.
Bolaodi ba thomello, keketso le kabo ya ditokelo tseo mohlokomedi wa dimela a so di abelwe kapa di eso hlahelle lenaneng la mefuta.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa khamphani kapa mokopi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.5 e latelwa ke a / le lebitso la khamphani kapa mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa naha e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.6 e latelwa ke a / le lebitso la naha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mokopi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokopi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa motswako o mong le o mong o dumeletsweng ke motho ya tswadisang diphoofolo ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.2.2 e latelwa ke a / le nomoro ya kopo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa motswako ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.4 e latelwa ke a / le nomoro ya kopo.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa motswako o mong le o mong o dumeletsweng ho eketswa lenaneng la Lenaneo la metswako ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.3.2 e latelwa ke a / le nomoro eo ya kopo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mofuta ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.4.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mofuta o mong le o mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlopha.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa setsha ka seng sa tswadiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.12.1.1 e latelwa ke a / le lebitso la setsha sa tswadiso.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa mosebetsi e mong le e mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.12.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la mosebetsi.
Bula faele e ikgethileng bakeng sa phoofolo e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.11.1.3 e latelwa ke a / le nomoro ya tswadiso ya phoofolo.
Difaele di na le melao ya motheo, dihlomathiso ho melao ya motheo le mekgwa ya tsamaiso ya Lekgotla la Tswadiso le Mekgatlo e meng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.12.2.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Difaele di na le dikopo le mangolo a tumello bakeng sa thomelo le thomello ya thepa ya tswadiso tsa mofuta o itseng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ka mong ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.12.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Diforomo tse tlatsitsweng di hlophiswa ka tatelano ya dinomoro tsa tsona ho latela ngodiso ya tsona mme di bolokwa ka hara difaele tsa mabokose.
Boemong ba Provense.
Bula faele e ntjha bakeng sa provense ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 23.13.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la provense.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlopha ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.S.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlopha.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa molao ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la molao.
Bula faele e ntjha bakeng sa qoso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.1.3 e latelwa ke a / le lebitso la qoso.
Bula faele e ntjha bakeng sa tumello ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.1.4 e latelwa ke a / le lebitso la tumello.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano, tlwaelo, maemo kapa tataiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano, tlwaelo, maemo kapa tataiso.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano esita le lebitso la provense.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo wa matjhaba ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo wa matjhaba.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo wa naha ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.4.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo wa naha.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo wa provense ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.4.4 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo wa provense.
Bula faele e ntjha bakeng sa lediboho le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lediboho.
Bula faele e ntjha bakeng sa lefu ka leng le laolehang ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la lefu le laolwang. Bula hape faele e ikgethileng bakeng sa diphetho.
Bula faele e ntjha bakeng sa bohloko ka bong, senwamadi kapa ho ja tjhefu moo ho hlokehang ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la bohloko ka bong, senwamadi kapa ho ja tjhefu.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgwa ka mong wa phodiso ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la phodiso.
Bula faele e ntjha bakeng sa setsha sa diphuputsu le morero wa diphuputso ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la setsha sa diphuputso le morero wa phuputso.
Bula faele e ntjha bakeng sa nyewe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.5.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la faele.
Bula faele e ntjha bakeng sa laboratori ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.6.3.1 e latelwa ke a / le lebitso la laboratori.
Bula faele e ntjha bakeng sa laboratori ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.6.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la laboratori ya tlhokomelo ya bophelo bo botle.
Bula faele e ntjha bakeng sa laboratori ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.6.3.3 e latelwa ke a / le lebitso la laboratori ya tlhokomelo ya bophelo bo botle.
Bula faele e ntjha bakeng sa sebaka se laolwang ke mmuso ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la sebaka se laolwang ke mmuso.
Bula faele e ntjha bakeng sa sebaka se laolwang ke mokga wa poraefete ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la sebaka se laolwang ke mokga wa poraefete.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng se romelwang kwano ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, a / lebatowa kapa naha, a / lebitso la kgwebo haeba e le teng.
Bula faele e ntjha bakeng sa tshebetso kapa mokgwa wa tshebetso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.8.3 e latelwa ke a / le lebitso la tshebetso kapa mokgwa wa tshebetso.
Bula faele e ntjha bakeng sa bohloko ka bong ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.8.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la bohloko ka bong.
Bula faele e ntjha bakeng sa thepa ka nngwe e romellwang ka ntle ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la thepa e romellwang ka ntle, a / lebatowa kapa naha, a / lebitso la sebaka sa tlhahiso haeba se le teng.
Bula faele e ntjha bakeng sa lengolo ka leng la bopaki kapa lengolo la tumello ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.9.3 e latelwa ke a / le lebitso la lengolo la bopaki kapa lengolo la tumello.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.9.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa.
Bula faele e ntjha bakeng sa kou ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.10.2 e latelwa ke a / le lebitso la kou.
Bula faele e ntjha bakeng sa pehelo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la pehelo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgwa ka nngwe wa tshebetso ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.10.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgwa ka nngwe.
Bula faele e ntjha bakeng sa motheo ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.11.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la motheo.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano kapa komiti ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.11.7 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa ditlwaelo le maemo a ikgethileng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la ditlwaelo le maemo a ikgethileng.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano kapa setsi sa thuto ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la setsi sa thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 24.12.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng ntshetsopele ya leano, ditlwaelo le maemo ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano, ditlwaelo le maemo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa mosebetsi wa boeletsi ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokga ka nngwe wa mosebetsi wa boeletsi.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ntjha bakeng sa phuputso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la phuputso.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa phuputso ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.6.2 e latelwa ke a / le lebitso la phuputso.
Bula faele e ntjha bakeng sa phuputso ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la phuputso.
Bula faele e ntjha bakeng sa morero ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.9.2 e latelwa ke a / le lebitso la morero.
Bula faele e ntjha bakeng sa tshebetso ya ho bora ka ho sebedisa nomoro ena ya 25.10 e latelwa ke a / le lebitso la tshebetso ya ho bora.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano le leng le le leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Dipehelo tse tswang transnet le spoornet?
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.1.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa jwalo ka 26.1.1.8.2 / Poone.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.1.2.1.2 / Reisi.
Bula faele e ntjha bakeng sa leano ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.1.2.2.2 / Veini.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.1.2.3.2 / Boya.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.2.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.1.2.4.2 / Dihlapi.
Bula faele e ntjha bakeng sa lebatowa ka leng kapa mmaraka ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.1.3.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la lebatowa kapa mmaraka, jwalo ka Gauteng.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.1.8.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.2.1.8.2 / Lesere.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.2.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.2.2.1.2 / Chicory.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.2.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.2.2.2.2 / Dipanana.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.2.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.2.2.3.2 / Nama.
Bula faele e ntjha bakeng sa sehlahiswa ka seng ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.2.4.2 e latelwa ke a / le lebitso la sehlahiswa, jwalo ka 26.2.2.4.2 / Difate.
Bakeng sa dintlha feela tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho se itseng.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 26.2.5.2 e latelwa ke a / le lebitso la leano.
Bula faele e ntjha bakeng sa bolaodi ka bong ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.P.2 e latelwa ke a / le lebitso la bolaodi.
Bula faele e ntjha bakeng sa thuto ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.1.2 e latelwa ke a / le lebitso la thuto.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa boeletsi ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la boeletsi.
Bula faele e ntjha bakeng sa patlisiso ka nngwe kapa kamohelo ya ho fumana resiti ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la patlisiso/kamohelo ya resiti.
Bakeng sa ditaba tse ke keng tsa hlahiswa faeleng ya sehlooho sena.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokgatlo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.4.1.3 e latelwa ke a / le lebitso la mokgatlo.
Bula faele e ntjha bakeng sa mokga ka nngwe wa dikamano ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.4.2.2 e latelwa ke a / le lebitso la dikamano.
Bula faele e ntjha bakeng sa lehokela ka leng ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.4.3.2 e latelwa ke a / le lebitso la lehokela.
Bula faele e ntjha bakeng sa kopano e nngwe le e nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.5.1 e latelwa ke a / le lebitso la kopano.
Bula faele e ntjha bakeng sa memorandamo ka nngwe ka ho sebedisa nomoro ena ya 27.7.2 e latelwa ke a / le lebitso la memorandamo.
Tumello ya ho bona rekoto eo ha e a thibelwa ka ho latela Molao.
Mokopi o lokela ho sebedisa foromo e hatisitsweng Kgatisong ya Ditsebiso tsa Mmuso (Tsebiso ya mmuso ya R187 - 15 Hlakola 2002).
Mokopi o lokela ho bolela haeba a batla khopi ya rekoto kapa haeba a batla ho tla lekola rekoto diofising tsa Lefapha la Temo la Setjhaba. Haeba rekoto e se tokomane e ngotsweng e ka bonwa e le foromo haeba ho kgoneha s 29S.
Haeba motho a etsa kopo ya ho fumana foromo ena, mokopi ya jwalo o lokela ho etsa jwalo ka tsela e boletsweng. Hona ho lokela ho etsahala ha e se feela ha ho sa bake tshitiso tsamaisong ya mokgatlo wa setjhaba o amehang, kapa hona ho senya tokomane kapa ho tlola ditokelo tsa kopitso tseo e leng tsa mmuso. Haeba ka mabaka a utlwahalang tumello e ke ke ya fumanwa ka tsela ya foromo e hlokehang empa ka foromo e nngwe esele, ho lokela ho balwa le ho behwa tefo ho ya kamoo mokopi a ileng a qala a etsa kopo e leng s 293 le 4.
Haeba ka ntle ho karabo e ngotsweng bakeng sa kopo ya rekoto mokopi o batla ho tseba ka qeto ka tsela e nngwe e itseng, jwalo ka fonofono, hona ho lokela ho hlakiswa ka s 182e.
Haeba mokopi a batla ho tseba lebitsong la motho e mong ya itseng, kopo e lokela ho etswa ka tsela ya s 182f.
Haeba mokopi a sa tsebe ho bala le ho ngola, kapa a holofetse, kopo e lokela ho etswa ka molomo. Mohlanka wa ditsebiso o lokela ho tlatsa foromo lebitsong la motho eo mme a be a mo copy ya hae ya s 183?
Mokopi ya etsang kopo ya ho fumana rekoto e thehilweng hodima dintlha tsa bophelo ba hae ha a lokela ho lefa tefo ya mofuta oo. Mokopi e mong le e mong ya etsang kopo e sa ameng dintlha tsa bophelo ba hae, o lokela ho lefa tefo eo ya kopo.
Mohlanka wa ditsebiso o lokela ho tsebisa mokopi (eo kopo eseng ya dintlha tsa bophelo ba hae) ka hore o lokela ho lefa tefo e beilweng (haeba e le teng) pele a ka sebetsa kopo eo.
Tefo ya kopo e lokelang ho leshwa ke mekgatlo ya setjhaba ke diranta tse mashome a mararo a metso e mehlano (R35). Mokopi a ka etsa boipiletso haeba ho hlokeha kapa a etsa kopo lekgotleng la dinyewe kgahlano le rathendara kapa tefo ya kopo eo.
Haeba mohlanka wa ditsebiso a se a entse qeto ka kopo, mokopi o lokela ho tsebiswa ka qeto eo ka tsela eo mokopi a ileng a kopa hore a tsebiswe ka yona.
Haeba kopo eo e dumeletswe, ho lokela ho leshwe hape tjhelete e nngwe e ka hodimo bakeng sa phuputso, tlhophiso, ngatafatso esita le nako e ileng ya sebediswa ho feta dihora tse badilweng bakeng sa ho fuputsa le ho hlophisa rekoto bakeng sa ho phatlalatswa e le tsebiso.
Tsebiso ho latela karolo ya 15 e hlalosa mekga ya direkoto tsa mekgatlo tse teng ntle le hore motho a kope tumello ho latela Molao. Dintlha tsa tsebiso ya Lefapha la Temo la Setjhaba ho latela Karolo ya 15 ha jwale ha e fumanehe.
Mekga ya direkoto tsa Lefapha la Temo la Setjhaba tse teng ntle le hore motho a kope tumello ho latela Molao.
Thuto ya dikokwanyana le nematology?
Lenane lena le kenyeletsa dikgatiso tsa mahala le tse beilweng tjhelete ya theko ke ba Lefapha la Temo la Setjhaba.
Ha ho na eketswa tjhelete ya lekgetho. Dinaheng tse ding ho tla eketswa diphesente tse mashome a mabedi a metso e mehlano (25%) thekong e tlwaelehileng. Ho tla eketswa hape tjhelete ya thomello ka poso le ditshenyehelo tsa ho banka.
Fonofono: 319 7141 kapa 319 7085.
Dihora tsa tshebetso: Ho tloha Mantaha ho isa ka Labohlano ka 07:30 ho isa ka 16:00.
Fonofono: 319 6897.
Mahlasedi a nako le nako a Periodicals?
Diphuputso tse feletseng tsa merero ya temo naheng ya Afrika Borwa. Di phatlalatswa ka selemo le selemo.
Lehlasedi la lefapha le tswang divekeng tse ding le tse ding tse pedi le behang ka diketsahalo pakeng tsa mafapha esita le tse fihleletsweng di a phatlalatswa.
Patlisiso e feletseng malebana le tswelopele ya mokga wa temo esita le makala a indaseteri ena. Tsena di phatlalatswa halofong e nngwe le e nngwe ya selemo ka Hlakola le ka Phato.
Dipalopalo tsa jwale di thehilwe ho maemo a temo le moruo. Dintlha tse feletseng tsa thekiso malebana le mebaraka ya dihlahiswa tse foreshe esita le dipalopalo tsa phuputso malebana le mokga wa temo. Kgwedi le kgwedi.
Di etswa selemo le selemo mme kgwedi le kgwedi ho be le tekanyo ya thekiso ya meroho le ditholwana mebarakeng e leshome le metso e mehlano ya dihlahiswa tse foreshe tsa setjhaba. Sehlahiswa ka seng se sebetswa ka ho qolleha mme direpoto tsa ho qetela di tsebisa ka se ileng sa etsahala dilemong tse fetileng ka ho bapiswa le dipalo tsa selemo se fetileng.
Dikhathaloko tse ding di fumanwa ka dipuo tse ding. Tsena di bontshwa ka ho kengwa ka masakaneng.
Letshwao le bolela eng?
Kgomo ya ka e hloleha ho ema!
Na dikolobe tsa ka di phela hantle?
Dipalopalo tsa bohlokwa mererong ya moruo wa temo mme di akareditswe ka selemo le selemo.
E phatlalatswa ka selemo le selemo ka kgwedi ya Pherekgong.
Tlhokomediso malebana le paballo ya mobu.
Paballo ya mobu mona Afrika Borwa.
Paballo ya mobu mona Afrika Borwa.
Tataiso malebana le tshebediso ya dikhemikale tsa dihebisaete, A - 2000.
Tataiso mabapi le phediso ya dibolayadimela, A - 1999.
Tataiso mabapi le phediso ya mahloko a dimela, A - 1999.
Tataiso malebana le dibolaya tsa ka tlong esita le diindasetering, A - 2000.
Selemo sa 1989/90 + ditheko di fapana ho tloha selemong se seng ho isa ho se seng.
Lenane la pele la dimela bakeng sa bolemi ba dirapana tsa thibelo ya kgoholeho ya mobu mona Afrika Borwa, A. D M C Fourie.
Tataiso ya tlhokomelo ya dikgomo tsa lebese lebatoweng la dipula tsa mariha.
Dimela tsa makgulo a sekalehwatata le dibaka tse kang tsa sekalehwatata.
Ditlamatlama le difate tse jewang naheng tsa Bushveld mane Kapa Botjhabela.
Bukana ya tlhahiso ya makgulo.
Lebatowa la Natala. Lefapha la Temo le Phepelo ya Metsi.
Tataiso malebana le majwang a bohlokwa a Transefala Bophirimela le Freistata-Leboya.
Dimela tsa naha tse lekgolo tsa Lebatowa la Dipula tsa Mariha.
Diphatlalatso tsena tse latelang ke tsa setekgeniki mme di reretswe ho sebediswa ke boramahlale.
Nomoro ya 219 Dintho tsa tlhaho tse fumanwang mobung wa tikoloho ya Lichtenburg, Bothaville, Viljoenskroon le Wesselsbron le ditekanyetso tsa paballo ya metsi jwalo ka ha di fumaneha mofuteng o itseng wa mobu.
Nomoro ya 104 Dipatlisiso malebana le thupello ya ditsebi tsa thutadikokwanyana mona Afrika Borwa, An.
Nomoro ya 226 Pokello ya dikhemikale tse bohareng tsa mefuta e itseng ya dimela tse fumanwang Great Karoo.
Nomoro ya 228 Pokello ya dikhemikale tse bohareng tsa mefuta e itseng ya dimela tse fumanwang dinaheng tse bohareng ba sekalehwatata.
Nomoro ya 229 Pokello ya dikhemikale tse bohareng tsa mefuta e itseng ya dimela tse fumanwang Leboya Botjhabela ba Karoo.
Dintlha tse ding hape malebana le tsebo ya mahala di ka fumanwa ho webosaete ya Lefapha tlasa dihlooho tsa laeborari le ke eng se setjha (tadima Agricultural Digest).
Thepa e laolwang e kenyeletsa dimela (esita le peo bakeng sa ho jala), dihlahiswa tsa dimela, diphedi tse nyenyane tsa tlhaho, tse laolang diphedi tsena tsa tlhaho, mehlodi ya kgolo, manyepa le dihlahiswa tse nang le manyepa le thepa e sebedisitsweng. Sepheo ke ho thibela le ho laola dikokwanyana tsa karantine le tseo eseng tsa karantine.
Ho theha mekgwa phytosanitaryka ho sekaseka kotsi e ka hlahang ka lebaka la dinwamadi tsena. Mekgwa ena e thusa ka metjha ya dipuisano le pheko bakeng sa ho thibela dinwamadi tse amehang le thomello ya thepa e laolwang?
Tumello ya thepa e laotsweng.
Dimela le Boleng ba tsona, Pretoria. Mangolo a tumello ya thomello a fumanwa ho latela Molao wa Disenyi tsa Temo wa selemo sa 1983 (Molao wa 36 wa selemo sa 1983) o dumellang thomello ya thepa e itseng e laotsweng.
Tumello ya thepa e laotsweng. Tumello ya thomello e fumanwa ho latela Molao wa Disenyi tsa Temo wa selemo sa 1983 (Molao 36 wa selemo sa 1983) le ka ho ya ka tumellano ya mekgwa e phatlaladitsweng ya phytosanitary mme e romelwa ka dikou tse itseng tseo ho kenwang ka tsona.
Tsamaiso ya thepa e hlokometsweng ka tshebediso ya dikou tsa ho kena (tse ding tsa dikgoro tsena di ka ba teng ka ho kopa motsamaisi wa tsona). Thepa ena e tsamaiswang e tla tsebiswa mohlanka wa phethahatso kgorong eo ho kenwang ho yona e le hore e tsebe ho hlahlojwa.
A hane ha thepa e tsamaiswa haeba thepa eo e ka senngwa kapa ya boela ya tsamaiswa hape.
Tshebetso ena ke ya mahala ha feela e etsetswa kgorong ya molao mme ka nako ya molao ya dihora tsa tshebetso.
Tjhelete ya tekolo R80,00/metsotso e 30.
Tekolo ya thepa R80,00/metsotso e 30.
Nakong eo eseng ya dihora tsa tshebetso: e ba R160,00 / metsotso e 30.
Tefo e behwa ho latela kopo bakeng sa dihlahiswa tse fapaneng ditefo tsena di fetolwa selemo?
Melao bakeng sa ditlwaelo le maemo bakeng sa dihlahiswa tsa diphoofolo le dimela Tse kenang, Kgwebo ya lehae, Tse tswang.
Melao bakeng sa ditlwaelo le dihlahiswa (ditholwana) le dipalesa (Tse kenang, Kgwebo ya lehae, Tse tswang.
Melao bakeng sa ditlwaelo le Dihlahiswa tsa Jwala Tse kenang, Kgwebo ya lehae, Tse tswang.
Tlhaloso ya ditshebeletso tse leng teng Kamoo tsebo e fihlelwang ka teng Ditshenyehelo Diteko tsa laboratori tse etswang ho thepa e romeletsweng, mofuta wa karantine wa tekolo o etswang thepeng e romeletsweng.
Tlhaloso ya ditshebeletso tse leng teng Ka moo tsebo e fihlelwang ka teng Ditshenyehelo F. Ntlafatso ya dimela.
Lesedinyana la Mmuso e Salfa daeokosaete mokgwa wa ripper?
Lesedinyana la Mmuso m Asiti ya sorbic?
Lesedinyana la Mmuso n Asiti ya ascorbic?
Lesedinyana la Mmuso o. Asiti ya citric?
Lesedinyana la Mmuso p Motswako wa bentonite?
Lesedinyana la Mmuso s Asiti ya malic?
Boloka manane ohle a ngodisitsweng a dipheko jwalo ka, dibolayadikokwanyana, (tsa lapeng le tse fumanwang dikgwebong tse kgolo) dikwaekgwaba, ditlamatlama, meriana e thusang kgolo ya dimela esita le meriana e tshelwang matamong a ho sesa.
Ngodiso ya dimela tse hlahisang dintho tse kang masalla le diahamasapo tse sebediswang ho etsa dijo tsa diphoofolo le menontsha.
Ngodiso ya basebetsi ba polao ya disenyi (PPCOs) ba sebedisang meriana ya temo.
Qobello ya dipehelo tsa taolo ho basebedisi ba naha ho latela Tsebiso ya Mmuso ya R. 1048,25 Maotsheanong 1984 mme e balwa hammoho le Karolo ya 6 ya Molao wa Nomoro ya 43 wa selemo sa 1943.
LUSM e na le ofisi provenseng e nngwe le e nngwe ya tse robong tse phethang mosebetsi ona.
Lefapheng la Setjhaba la Temo ditlhophiso di tla kenyeletsa: Maemong a ditlhophisetso le ho etsa meralo, Lefapha le ikamahanya hammoho le kgwebo ya temo le temo e hlophisitsweng jwalo ka Temo ya Afrika Borwa (Agri-SA) esita le NAFU mabapi le ho hlophisa temo e kopanetsweng. Boemong ba puso e kopanetsweng Lefapha le ikamahanya le Mafapha a Diprovense a Temo.
Makgotla le makgotlana: Molao wa temo mabapi le dihlahiswa tse itseng o sebetsa bakeng sa makgotla le makgotlana ka tsela ya tshebediso ya baemedi ba kgwebo le temo e hlophisitsweng.
Ho nongwa maikutlo a batho bohle ha ho ngolwa molao ka ho tshwara diboka tsa tshebetso ka lefatshe lohle le ba amehang. Ka mora hoba molao o ngolwe, ho phatlalatsa melawana e le hore batho ba hlahise maikutlo a bona pele molao oo o phatlalatswa ka molao o phethahetse.
Pehelo ya selemo le selemo ya Lefapha la Temo la Setjhaba e iswa Palamenteng mme e ka phatlalatswa hore setjhaba sohle se tsebe ka yona.
Motho ofe kapa ofe a ka ngolla Molaodi-Kakaretso bakeng sa dipatlisiso kapa ho kopa tataiso.
Ho ka etswa boipiletso kgahlano le diqeto tse entsweng ke Bangodisi ho latela Melao e kang Molao wa Nomoro ya 36 wa selemo sa 1946 le molao wa Nomoro ya 15 wa selemo sa 1997.
Qeto efe kapa efe e entsweng ke Lefapha la Temo la Setjhaba mme di sitisa ditokelo tsa setjhaba, di ka hlaselwa ho latela Molao wa Tsamaiso ya Toka wa 2000.
Ha jwale ha ho na tsebiso e tswang ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho latela karolo ya 92.
Bakeng sa dintlha tse ding tsa tsebiso, ikopanye le Lefapha la Temo la Setjhaba ho webosaete ya www.nda.agric.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA TATAISO E H.txt</fn>
Mosebetsi ona o sireleditswe ke molao wa bongodi. Ha ho karolo ya phatlalatso ena e ka hlahiswang hape ka mokgwa ofe kapa ofe, kapa ka tsela efe kapa efe ya ileketeroniki kapa mokgwa wa motjhini ntle le hore ho fumanwe tumello e ngotsweng pele e tswang ho Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba. Dikopo le dipotsisiso tse mabapi le ditokelo tsa tlhahiso e nngwe hape ya kgatiso ena di lokela hore di lebiswe ho: Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, Commission House, corner Hamilton and Ziervogel, Arcadia, 0083.
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa (Kgaolong ya 10) o laela hore Tshebeletso ya Setjhaba e lokelwa?
E emele ka ho pharalla batho ba Afrika Borwa ka tshebetso le ditlwaelo tsa taolo ya basebetsi tse thehilweng bokgoning; nneteng, le tlhokong ya phediso ya tlhokeho ya takano ya nakong e fetileng.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e fuwe matla ho latela Molao wa motheo, ka 1996, ho kgothaletsa le ho hlokomela boitshwaro ba profeshenale ba boemo bo hodimo hohle tshebeletsong ya setjhaba. Ka 1997 ho ile ha etswa kgweletso ya Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba mme ka morao ho moo e ile ya tsebiswa bohle ka diwekshopo tseo ho tsona ho neng ho na le bahlanka ba tswang boemong ba mmuso wa naha le wa provense. Ho ile ha boela ha hlokeha hore ho ntshetswe pele tataiso e sebetsang ka Molawana wa Boitshwaro ho fehla kutlwisiso e ntlafetseng ya se bolelwang ke Molawana ona wa Boitshwaro le tshebediso ya yona.
Lebitsong la Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, ke tlotla ho nna ho nehelana ho bahlanka bohle ba fuweng mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba ka Bukana ya Tataiso e Qaqileng ya Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba. Molawana wa Boitshwaro ke tshiya ya bohlokwa ha ho thehwa puso e ntle le boitshwaro bo botle ba bahlanka ba setjhaba. Tokomane ena e boetse e hlahisa dintlha tse kang tlhompho ya ditokelo tsa batho, tsamaiso e nang le molao, boikarabelo, ponaletso mmusong, boitshwaro ba motho boyeneng ba hae le ditabatabelong tsa poraefete.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e ipiletsa ho bahlanka ba setjhaba kaofela, ho tloha ho ba boemong bo tlase haholo mosebetsing ho fihlela ho ba boemong bo hodimo haholo ho bontsha kutlwisiso e sebetsang ya mehato, taolo le ditaelo tse fuperweng ke Molawana ona wa Boitshwaro. Sena ha se ntho feela e kgonehang empa ke e tlamang ha e ba tshebeletso tse nang le matla di lokela ho finyella baahing bohle ba naha. Ke ntlha ya bohlokwa hape hore bahlanka jwalo ka ha e le molao, ba hane, ba qobe le ho nena dinyehelo ha mmoho le dimpho hobane tsena tsohle ke dintho tse ka nkuwang e le dimpho tse kgothaletsang diketso tsa bobodu.
Ke lakatsa le ho tlotla batsamaisi kaofela le bahlanka ba tshwaraneng le mosebetsi wa ho tsebahatsa Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba. Ke le kgothaletsa hore le tswele pele jwalo ka mosebetsi oo o motle mme le seke la nyahamiswa ke diphephetso tsa ho ntshetsa ple boitshwaro ba profeshenale tshebeletsong ya setjhaba.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e na le tshepo ya hore bukana ena e tla le fetohela tataiso ya bohlokwa ntshetsope leng ya botshepehi le nnete sebakeng sa tshebetso le ho kgothaletsa le mekutu e meholwanyane e tswang ho rona bohle ho fihlella tlwaelo ya ho se dumelle le ho mamella bobobu ho hang ho la Afrika Borwa.
Ke phethela, ka ho kgothaletsa basebetsi bohle ba setjhaba ho netefatsa hore boitshwaro ba bona bo kgema le makgabane a mantlha le metheo ya puso ya tsamaiso ya setjhaba le hore ba etse hore ba tsebe Molawana wa Boitshwaro le Bukana ena e Qaqileng.
Moifo wa tshebetso wa Ofisi ya Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba o ile wa thusa mosebetsing wa ho etsa diphuputso le moralong wa tokomane ya qetelo.
Qetellong, re leboha Lefapha la Borithane la Ntshetsopele ya Matjhaba ka ho tshehetsa ka ditjhelete kgatiso ya Bukana e Qaqileng ya Molawana wa Boitshwaro ba Tshebeletso ya Setjhaba.
Sepheo ka bukana ena ke ho hlalosa dikahare tsa Molawana wa Boitshwaro haholwanyane ho feta. Popo ya dipolelo ya Molawana wammuso e hloka hore e be kgutshwanyane, e tobe ditaba mme e sebedise mareo a mmuso. Bukana ena e reretswe ho etsa hore Molawana ena e utlwahale ho feta basebetsing bohle ba setjhaba.
Bukana ha e hlahise metheo efe kapa efe e metjha mme e latela sebopeho le dinomoro tsa metheo ho latela ka moo di hlahang ka teng Molawaneng, ho dumella papiso e bonolo. Ha mafapha a sebedisa bukana ena, a lokela ho leka ho thasiseletsa ka mehlala eo e leng ya ona, e amanang le tikoloho e ikgethethang ya moo.
Ho tshwanetse hore ho toboketswe hore ntshetsopele ya bukana ena ke tshebetso e dumellang diphetoho mme ho na le monyetla wa hore ho tle ho hlokehe tekolo e nngwe hape e tla nne e etswe kgafekgafetsa, jwalo ka Molawaneng ka bowona.
Molemong wa ho kgothaletsa boitshwaro ba boemo bo hodimo ba profeshenale sebakeng sa mosebetsi, bahlanka ba mosebetsing wa setjhaba ba lokela ho kgothaletswa ho nahana le ho etsa dintho ka tsela ya boitshwaro bo botle. Bukana ena e lokela hore e sebetse jwalo ka thuso ntshetsope leng le ntlheng ya ho nehelana ka dithuto tsa thupelo e kgutshwanyane ho basebetsi kaofela. Bukana ena e boetse e fupere mehlala e mengata e bontshang mathata a mangata a boitshwaro tikolohong ya mosebetsi, e ka nnang ya sebetsa jwalo ka motheo wa thupelo le mehlala ya dipatlisiso.
Bukana ena jwalo ka ha e le mathe le leleme le Molawana, e ka thusa ka ho hlokomela hore tshebeletso ya setjhaba e tshepahale le ho se jele phate ka ho nehelana ka tshepo e itseng e hlokehang tabeng ya boitshwaro bo amohelehang le mohlala wa ditlwaelo tsa boitshwaro bo botle.
Ke ntlha e amohelehileng hore batho ba ithuta ho bona le ka boitsebelo.
Ka hoo boikarabelo bo ikgethang bo behwa ho monga mosebetsi, ka ho qoholleha balaodi ba phethahatso Matona le Matona a mebuso ya Porovense boemong ba dipolotiki le batsamaisi ba tshebeletso ya setjhaba maemong kaofela ho tlisa tikoloho eo ho ka thehwang makgabane le ho etsa mehlala bakeng sa basebetsi bohle.
Karolo ya 195 (a) ya Molao wa Motheo e hloka hore ho ntshetswe pele le hore ho hlokomelwe hore ho na le boitshwaro ba boemo bo hodimo ba profeshenale tsamaisong ya setjhaba ka kakaretso. Ho latela tumellano e kopanetsweng (Qeto ya 2 ya 1999 ya Lekgotla le Buellang la Tshebeletso ya Setjhaba ya Lehokela) basebetsi kaofela Tshebeletsong ya Setjhaba ba na le boikarabelo ba ho inyalanya le Molawana wa Boitshwaro e tsepamisitsweng. Hobane sena ke sona se bopang motheo wa sehlooho wa mohato wa tokiso le wa taolo, monga mosebetsi o lokela ho etsa mekutu yohle ho etsa bonnete ba hore dikahare tsa Molawana wa Boitshwaro di tsejwa ke basebetsi kaofela?
Ke ntlha ya bohlokwa ho boela re pheta hore sepheo sa sehlooho sa Molawana ke sepheo se setle, e leng ho ntshetsa pele boitshwaro boo e tla ba mohlala. Ho sa hanyetsanwe le sena, mosebetsi o tla fumanwa a le molato ka boitshwaro bo bobe ho latela Molao o boletsweng ka hodimo, mme ho ka nna ha sebetsanwa le yena ho latela karolo ya 18 ho isa ho ya 27 ho latela tokiso e entsweng Biling ya Ditokiso tsa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1997, ha e ba mosebetsi a tlola dipehelo dife kapa dife tsa Molawana wa Boitshwaro.
Mosebetsi o lokela ho tshepahala Rephaboliki, mme a hlomphe Molao wa Motheo le ho ikamanya le ona phethahatsong ya mesebetsi ya hae ya letsatsi le leng le le leng.
Ha ho buuwa ka Rephaboliki ka kakaretso ho utlwisiswe hore ho buuwa ka naha e leng Afrika Borwa. Ke tlhoko ya motheo hore bahlanka bohle ba setjhaba ba tla lokela ho tshetjwa le ho tshepahala naheng ya habo bona?
Molao wa motheo o sebetsana le dikarolo tse ikgethang tse amanang le ditokelo ha mmoho le ditabatabelo tsa baahi bohle ba naha ena. Pallo ena ya Molawana ntlheng ya pele e hloka tshepahalo ya mosebetsi wa setjhaba pusong e teng hona jwale ya demokrasi. Matla a boholo ba Molao wa motheo a lokela hore a amohelwe le ho hlomphuwa ke batho bohle. Ntlheng ya boraro, mohlanka e mong le e mong ya sebeletsang setjhaba o lokela hore a be le kutlwisiso ka dikahare le sepheo sa Molao wa motheo e le mokgwa wa ho tlisa le ho tsamaisa taolo e teng.
Mohlala wa 1: Bahlanka ba setjhaba maemong a fapaneng ba ameha ka mokgwa o itseng tabeng ya ho etsa ditlhahiso tse mabapi le leano. Ditlhahiso tse jwalo di lokela hore di hlahlojwe hantle ka hloko ho tiisa hore di ke ke tsa hohlana le moya kapa le dipallo tse itseng tsa Molao wa motheo. Metheo ya molao wa motheo e tshwanang le kabelo ya setjhaba le ponaletso phinyeletsong ya tshebeletso e lokela le ho latellwa ka hohle ka moo ho kgonehang tshebetsong ya ho theha leano.
Mohlala wa 2: Karolo ya 33 ya Molao wa motheo e etsa monyetla wa hore batho bohle bao ditokelo tsa bona di amehileng hampe ka lebaka la diketso tsa tsamaiso ba na le tokelo ya ho fuwa mabaka a ngotsweng fatshe. Hona ho bolela hore mohlanka e mong le e mong wa setjhaba hore a kgeme le Molao wa motheo, o lokela ho netefatsa hore diqeto tsa tsamaiso le diketso di thehilwe hodima mabaka a utlwahalang, e le hore mabaka a jwalo a tle a nehelwe motho ofe kapa ofe ya amehang. Ka kakaretso hona ho bolela hore mehato yohle ya tsamaiso e lokela ho ba le boikemelo ba teko ya ponaletso.
Mosebetsi o tlisa pele tabatabelo tsa setjhaba phethahatsong ya mosebetsi ya hae.
Pallo ena e hlalosa hore moo diqeto di lokelang ho etswa kapa moo ho tshwanetseng hore ho sebediswe boinahanelo, ho tshwanetse hore ho lekolwe ntlha ya ho beha ditabatabelo tsa setjhaba ka pele. Ditabatabelo tsa mohlanka ya sebeletsang setjhaba kapa ditabatabelo tse ding tse amanang le tumelo tse itseng di lokela hore di seke tsa tliswa pele ho ditabatabelo tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya sebetsang ka matsoho ya sebetsang sepetlele o tlangwa ke kontraka ya hae ya mosebetsi ho sebetsa ho tloha ka 08:00 ho fihlela ka 16:30. Ha ho ditlhophiso tse entsweng mabapi le ho lefellwa dihora tse eketsehileng tsa ho sebetsa. Difefo tse puputlang di fefola mohlodi o moholo wa matla a motlakase o fepelang sepetlele mme dibaka tsa moo bakudi ba etswang diopereishene ho tsona di sebetsa ka motjhine o fehlang motlakase wa jenereitara. Jenereitara le yona e fana ka mathata mme motho ya etsang mosebetsi ona o laelwa ho tla etsa mosebetsi wa tlhokomelo wa nakong ya kuduwa jenereitareng ena ka 16:00. Mosebetsi enwa o tla lebellwa hore a phethe mosebetsi ona wa tlhokomelo leha mosebetsi ona o ka tswella ho tlola nako ya dihora tsa hae tsa mosebetsi tseo ho dumellanweng ka tsona.
Mohlala wa 2: Bongata ba moifo wa basebetsi ba ofising ya lebatowa ba bontsha thahasello ya ho nka nako ya bona ya phomolo ya lifi ya selemo nakong ya kgwedi ya Tshitwe. Ha e ba nako ena ya lifi e ne e ka dumellwa, hona ho ne ho bolela hore ofisi e ke ke ya kgona ho etsa mosebetsi o loketseng wa ho nehelana ka ditshebeletso setjhabeng. Mona ho tshwanetse hore ho be le boitelo bo itseng bo tla fihlelwa ke batsamaisi le basebetsi ba loketseng, bo kenyeletsang hore bahlanka ba bang ba tla lokela ho sala mosebetsing ho etsa bonnete ba hore ho na le phepelo ya tshebeletso ya ho ya ho ile.
Mosebetsi o phethahatsa ka botshepehi maano a Mmuso o teng nakong eo phethisong ya mesebetsi ya hae ya molao jwalo ka ha e fuperwe ke melao le melawana e meng.
Bili ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo, hara tse ding, e sireletsa ditokelo tsa dipolotiki tsa moahi e mong le e mong wa naha, tse kenyeletsang tokelo ya mosebetsi ya ho kgema le ho ba setho sa mokga wa dipolotiki wa kgetho ya hae. Tsela ya dikgetho e tswala hore mokga wa dipolotiki o fumaneng divoutu tse ngata o amohele boikarabelo ba ho fana ka ditshebeletso tsa ofisi. Hona ho ka nna ha bolela hore tjantjello ya mosebetsi eo ya ikgethang wa setjhaba mohlomong ditakatso tseo e leng tsa hae ha di a phethahala sephethong sa dikgetho tseo. Sena se ka boela sa bolela hore tseo a neng a di habile, lenaneo la mehato e nkwang le maano a etswang ke Mmuso o teng nakong eo, ha di tsamaelane le ditabatabelo tsa basebetsi bao ba ikgethang ba setjhaba. Leha ho le jwalo basebetsi ba setjhaba ba lokela hore ba sebeletse Mmuso o kgethilweng wa nakong eo ka tsela e bontshang boitelo, le ka mokgwa o bohlale le ka botshepehi phethahatsong ya maano a jwalo.
Mohlala wa 2: Ha Mmuso o teng nakong eo o ntse o lekola ho ka phethahatsa morero o ikgethang mme ke boikarabelo ba mosebetsi ho fana ka keletso ya hore morero ona o ka phethahatswa hantle ka tsela e jwang, mme mosebetsi leha a sa dumellane le morero oo, o lebeletswe hore a behelle ka thoko maikutlo ao e leng a hae mme a etse qeto e hlokang kgahlamelo ya maikutlo a hae, ka ho tadima feela dikgetho tse fapafapaneng tse teng le melemo ekasitana le mathata a kgetho e nngwe le e nngwe, le katamelo e nepahetseng ya baahi ba amehang.
Mosebetsi o tsitlallela hore a tsebe le ho ikamanya le melao le ditaolo tse ding tse amanang le boitshwaro ha mmoho le mesebetsi ya hae.
Basebetsi hore ba tle ba kgone ho sebeletsa Mmuso o teng nakong eo ka botshepehi le ka mokgwa o motle, ekasitana le ho sebeletsa setjhaba, ba tla hloka hore ba tsebe se fuperweng ke mosebetsi wa bona, maano ho latela ka moo mesebetsi ya bona e lokelang hore e etswe ka teng le mehato e lokelang ho latelwa.
Bahlokomedi ba jara boikarabelo ba ho netefatsa hore basebetsi ba tseba dikahare tsa mosebetsi wa bona. Basebetsi le bona ba na le boikarabelo ba ho etsa mekutu ya hore ebe basebetsi ba nang le tsebo, ba nang le bokgoni ba ho etsa mosebetsi wa bona hantle le ho latela maano a tsepamisitsweng le mehato e loketseng tikolohong ya bona ya mosebetsi; ho latela ditabatabelo tsa setjhaba le baahi ba sebeletswang.
Mohlala wa 1: Ka nako e nngwe ho etsahala hore mohlanka a ananele theko ya theepa ntle le kananelo e hlokehang ya Balaodi ba ditjhelete ka lebaka la hobane a sa tsebe dipehelo tse teng tsa tsamaiso ya ditjhelete tshebeletsong ya setjhaba. Ketso e jwalo e tla be e hlalosa tshebediso ya tjhelete ntle le tumello e hlokehang mme mohato oo o ka tswala nyewe ya molao e senyang le e qosang ditjhelete tse ngata le ditseko tsa ditjhelete tsa ditshenyehelo.
Mohlala wa 2: Ka lebaka la kgaello ya tsebo, mosebetsi o fana ka lesedi le fosahetseng ho motho ya neng a tlilo kopa tjhelete ya penshene ya boqheku mabapi le ditlhoko hore a kgone ho fumana penshene, tsela eo a lokelang hore a e latele ha etsa kopo kapa tjhelete e mo tshwanetseng ya penshene. Ketso ena e ka tlisa ditholwana tse bohloko ho motho eo.
Mosebetsi o sebedisana le mekgatlo e sebeletsang setjhaba e thehilweng tlasa molao le Molao wa motheo ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba.
Ho thehilwe dibopeho tse ngata tlasa Molao wa Motheo (Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlakisi wa kakaretso, Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, Khomeshene ya Tekano ya basadi le banna jwalo jwalo) ho boetse ha thehwa ka molao le (Boto ya dithendara, diKhomeshene tsa diphuputso le tse ding). Tsena tsohle tse thehilweng di thusa ho bona hore tsohle di tsamaiswa ka tsela e ntle. Bahlanka ba setjhaba ba lokela hore ba seke ba nka dibopeho tsena tse thehilweng ka mokgwa o fosahetseng, empa ba di thuse ho etsa mesebetsi ya tsona, ka hore mohlomong, ba nehelane ka lesedi le ditlhaloso tsohle tse ka hlokehang.
Mohlala wa 1: Ha Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e kopuwa ke motho e mong ya tswang setjhabeng hore e fuputse tletlebo e itseng ya lefapha la Mmuso, ofisi ena e tla lebella tshebedisano ya basebetsi ba lefapha ho nehelana ka lesedi lefe kapa lefe le hlokehang.
Mohlala wa 2: Ha Mohlakisi wa kakaretso a fumana ho na le moo ditjhelete di sa tsamaiswang ka nepo lefapheng, bahlanka ba tshwanetseng ba lefapha ha ba lokela hore ba seke ba nka tseo ba di fumaneng ka tsela e fosahetseng. Ba lokela ho utlwisisa le ho ananela seabo sa Mohlakisi wa kakaretso le ho sebedisana ka botlalo le Ofisi ya Mohlakisi wa kakaretso ho hlakisa moo mathata a leng teng.
Mosebetsi o kgothaletsa kopano le bophelo bo botle ba setjhaba sa Afrika Borwa ka ho phethisa mesebetsi ya hae ya molao.
Ketapele ya Molao wa Motheo e hlalosa hore kamohelo ya Molao wa motheo e reretswe ho?
ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong; le ho haha Afrika Borwa e kopaneng ha mmoho ebile e na le demokrasi e kgonang ho nka sebaka sa yona se loketseng jwalo ka Mmuso o phethahetseng malapeng a ditjhaba.
Ho hlokeha hore moahi e mong le e mong a etse mekutu e tsepameng le e nang le sepheo hore ho tle ho fihlellwe le ho boloka ditabatabelo tse hodimo tse behilweng ke Molao wa Motheo. Bahlanka ba setjhaba ntle le qeaqeo ba bonwa e le karolo ya Mmuso, ka hoo ntlha ena ke ya bohlokwa le ho feta ka lehlakoreng la bona?
Mohlala wa 1: Moya o motle wa ho sebetsa ha mmoho, dikamano tse ntle tsa ho tswakatswakana le ba bang le hore ho rene tikoloho e monate ka kakaretso, moo batho ba thuswang ka tsela ya profeshenale moifong wa basebetsi ba tswang dihlopheng tse fapaneng tsa setjhaba tse sebetsanang le setjhaba ka ho otloloha, basebetsi ba tla fetoha mohlala wa setjhaba ka kakaretso. Mohlala o motle ke Ofising ya moo ho fanwang ka ditokomane tsa Boitsebiso (ID) le diphasepoto.
Mohlala wa 2: Mosebetsi o lokela hore a leke ho ingodisetsa thuto moo a tla ithuta e nngwe ya dipuo tsa molao tsa mmuso tse sebediswang sebakeng seo. Mosebetsi o lokela ho kgothaletsa botoloki ba dipuo tse ding tsa mmuso kopanong ya moo sena se hlokehang.
Mosebetsi wa setjhaba o tla sebeletsa setjhaba ka tsela e sa kgeseng le ka mokgwa o hlokang leeme e le ho tlisa tshepo tshebeletsong ya setjhaba.
Tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa setjhaba ka kakaretso mme setjhaba se lebeletse ho fuwa tshwaro e lekanang, le ho sebeletswa hantle, ka mokgwa wa profeshenale le o nang le setswalle. Basebetsi ka hoo ba lokela hore ba fihlele tebello ena ka ho fana ka tshwaro e lekanang basebetsing ba bang bao ba sebetsang le bona le ho batho ba sebeletswang, mme ho sebetswe ka mokgwa o sa tlo tlisa feela tshepo tshebeletsong ya setjhaba, empa o tla theha kananelo ya boleng le tshebetso e ntle ditshebeletsong tseo ho fanwang ka tsona.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o sebetsa lefapheng moo ho lekolwang dikopo tsa setjhaba tsa ditshebeletso tse ding tse itseng. Mohahisani le mosebetsi enwa wa mona o lemohile hore a ka kgona ho tlisa tshusumetso tshebetsong ena mme o leba ho mosebetsi enwa moo a fihlang a kopa hore a potlakise kopo ya hae. Mosebetsi o tla lokela hore a lekole boemo bona ba ditaba ka tsela e hlokolosi haholo, hobane mohato ofe kapa ofe o ka nkuwang ho thusa mohahisani o ka nna wa bonwa e le ho fana ka thuso e kgethollang mohahisani ho batho ba bang ba entseng dikopo.
Mohlala wa 2: Mosebetsi o lokela hore a kope batho bao a ba thusang hore ba eme moleng, e le hore e mong le e mong a tle a fuwe sebaka ha nako ya hae e fihlile ya hore a thuswe, ntle le hore motho ofe kapa ofe a fuwe thuso moo ho kgethollwang ba bang kapa ntle le hore ho bonahale eka mosebetsi o etsa jwalo.
Mosebetsi ke motho ya ipotlileng, ya thusang le ya kgonang ho ka fihlelleha ka tsela e bobebe bo utlwahalang moo a sebetsanang le setjhaba, mme ka dinako tsohle o lokela hore a fane ka tshwaro ho batho e tshwanang le ya bareki ba nang le tokelo ya ho amohela tshebeletso ya maemo a hodimo.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba lemohe hore ka ho kena mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba, ba itlamme ho sebeletsa batho kaofela.
Setjhaba se lebeletse ho sebeletswa mme se hloka basebetsi hore ba dule ba fumaneha ho ba thusa ka mokgwa o nang le setswalle le o sebetsang hantle.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o amohela mohala wa founu o tswang ho motho e mong empa ho hlakile hore potsisiso e jwalo e lokela hore e arabelwe ke karolo e nngwe kapa lefapha le leng. Mosebetsi o bolella motho eo hore a leke nqa e nngwe. Hona ho ka nna ha tswala hore motho enwa eo e leng e mong wa setjhaba, a lebiswe bathong ba bangata ba fapaneng ntle le hore a thuswe. Ho etsa tjena ha se ho thusa motho mme ketso ena e fana ka setshwantsho se fosahetseng sa tshebeletso ya setjhaba. Mosebetsi o lokela hore a intshe sehlabelo sa ho fumana hore ke mang motho ya loketseng kapa ke lefapha lefe le loketseng mme a boele a founele motho eo ya neng a hloka thuso hape.
Mohlala wa 2: Ha ho fanwa ka thuso ya tshebeletso ya khaontareng, mme mosebetsi e mong ya itseng a hloka motho ya keneng moleng o tlang khaontareng ya hae ho tla fumana thuso ha mosebetsi e mong ya sebetsang le yena a na le batho ba emeng mola o molelele ba emetseng ho fuwa thuso. Mosebetsi ya jwalo o lokela ho thusa mosebetsi ya sebetsang le yena ha mmoho le setjhaba ka ho bitsetsa batho khaontareng ya hae ha e ba a na le tsebo e phethahetseng ya tshebeletso e loketseng.
Mohlala wa 3: Ha eba motho e mong ya tswang setjhabeng a leba ho mohlanka ho etsa peheletso ka molao hore a tle a kgone ho mmona, mohlala, mohlomong a batla ho fumana lesedi mabapi le ditlhoko tsa ho fumana matlo a mmuso, mohlanka enwa o lokela hore a leke ho mo etsetsa sebaka moralong wa hae hore a mmone ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ntho ena e ke ke ya bontsha feela ho kgona ho fumaneha ha basebetsi ba setjhaba empa e tla bontsha le boikemisetso ba bahlanka ba setjhaba ba ho batla ho fana ka tshebeletso.
Mosebetsi o tsotella maemo a ditaba le matshwenyeho a setjhaba ha a phethisa mosebetsi wa hao wa molao leha a etsa diqeto tse ba amang.
Leha ditlhoko le kapa dingongoreho tsa batho di ke ke tsa bonahala di na le moelelo mahlong a basebetsi jwalo ka ha beng ba tsona ba nahana, basebetsi ba lokela hore ba thuse ka maikutlo a phodileng le ka tsela e ntle ho fana ka lesedi kapa tataiso ho tlisa tharollo mathateng ana a bona.
Dingongoreho tse hlahisitsweng ke batho ka bomong ba bona kapa ka dihlopha, di lokela ho nkellwa hloohong. Ka ho latela tsela ya ditherisano le e bonaletsang ha o sebetsana le ditaba tsena ketso eo ya hao e tla nyehela haholo ntlheng ya ho etsa monyetla wa ho nkella hloohong maemo le dingongoreho tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Ho ntse ho lohothwa taba ya tliniki ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ba mantlha bakeng sa batho ba metseng eo eseng ya diteropo empa ho boetse ho na le mokgwa o mong o ka sebediswang wa ho fana ka koloi e tla tsamaya hohle e tsamaisa ditshebeletso tsena tsa bophelo bo botle. Baahi ba lokela hore ba reriswe ho fumana seo bona ba tla se thabela ho feta. Ketso ena e tla tiisa hore ho etswa qeto e ntle le hore baahi ba kenyeleditswe diqetong boemong bo qalang.
Mohlala wa 2: Mohlanka wa setjhaba o ikarabella dikopong tsa tjhelete tsa thuso ya matlo a batho ba neng ba ntse ba le ka mosing ba dulang kampong ya batho ba hlommeng feela bodulo bo sa tsitsang. Ha dikopo tsena di sa sebetswe ka potlako le ka tsela e ntle, ntho ena e ka nna ya bolela hore morero ohle wa matlo o sitisehile le ho diehiswa mme batho ba tla lokela ho phela maemong a fokolang bakeng sa nako e telele ho feta ka moo ho neng ho tshwanetse ka teng ha e ba ho ne ho fanwe ka tshebeletso e potlakileng ho feta.
Mosebetsi o tlanngwe ke tshebeletso e tliswang ka nako ya ntshetsopele le ho phahamisa baahi ba Afrika Borwa kaofela.
Mmuso o teng o se o ile wa hlahisa boikemisetso ba ona ba ho tsepamisa maikutlo ntlheng ya ho phahamisa ditjhaba tseo nakong e fetileng di neng di ntse di le ka mosing, ho latela Lenaneo la Kaho e ntjha le Ntshetsopele. Ntho ena e lokela hore e phethiswe ke mafapha kaofela ka metjha ya ona ya tshebetso.
Afrika Borwa ke naha e ntseng e tswela pele mme karolo ya yona e kgolo ya setjhaba, ka mabaka a fapafapaneng, e hloka tsebo ya ditokelo tsa bona le boitlamo ba bona, ditshebeletso tseo ba nang le tokelo ya ho ba le tsona, mehato eo ba lokelang ho e latela le hore ba lokela ho leba ho mang tabeng ena. Hobane tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela ba yona, basebetsi ba tlameha ho thusa setjhaba sena se hlokang tsebo, ho ba nehela lesedi kaofela leo ba le hlokang, tataiso le thuso eo ba ka e hlokang. Ntho ena e lokela hore e etswe ka mokgwa o motle le ka tsela e phethahetseng, leha sena se bolela hoba fetisetsa moo ho nepahetseng ka mokgwa o nang le setswalle.
Mohlala wa 1: Basebetsi ba lokela ho kenya letsoho mananeong a ntshetsopele le a ho phahamisa batho ba bang a fumanehang mafapheng a bona. Ba lokela hore ba tjantjelle mosebetsi wa bona mme ba netefatse hore mananeo a jwalo a phethahatswa ka mkgwa o sebetsang le o motle le hore mosebetsi o etswa kahare ho moralo wa nako o behilweng.
Mohlala wa 2: Basebetsi ha ba sebetsana le batho boemong ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, ba lokela ho sebedisa monyetla ona ho nehelana ka tshebeletso ya keletso e phethahetseng ha e ba ba na le pelaelo ya hore tsebo ya bona ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ba mantlha e a haella. Moo basebetsi ba sa kgoneng ho fana ka thuso e hlokehang ka bobona, ba lokela hore bonyane ba fetisetse motho eo ho mosebetsi mmoho le bona ya loketseng, moo motho enwa a tla fuwa thuso e nepahetseng kapa a tataiswe hantle.
Ha ho moo mosebetsi a loketseng hore a kgetholle motho ofe kapa ofe ka mabaka a botjhaba, taba ya hore ke mosadi kapa ke monna, a morabe kapa maemo a bophelo a moo a tswang teng, mmala, tshekamelo ya hae ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo, dipolotiki tseo a di latelang, letswalo, seo a dumelang ho sona, setso kapa puo.
Jwalo ka ha ho se ho ile ha bolelwa, tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela le ditjhaba, ho sa natswe hore ke bo mang Afrika Borwa. Motho e mong le e mong ya tswang setjhabeng o na le tokelo ya molao wa motheo ya hore a fuwe tshwaro e nang le seriti. Basebetsi ba hloka hore ka lebaka leo ba tshware batho hantle ka ho lekana, ka tsela ya setswalle le tshebetso e kgabane, ho etsa hore ba ikutlwe ba amohela mofuta wa tshebeletso e ba loketseng.
Mohlala wa 1: Mosebetsi mohlomong a ka belaela hore motho ya tlileng moo o hloka ho thuswa ka tshebeletso, mohlala, ke tarasi (gay). Leha ho ka etsahala hore ebe sena ha se amohelehe ho latela maikutlo a mosebetsi boyeneng ba hae, o lebeletswe hore a nehelane ka tshebeletso ya boemo bo tshwanang ya profeshenale e neng e tla fuwa motho ofe kapa ofe ya tswang setjhabeng.
Mohlala wa 2: Batho ba bangata ba eme moleng mme e mong wa batho ba nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng o a fihla mme o lebeletse hore a thuswe ka potlako. Ha e ba mosebetsi ya nehelanang ka tshebeletso mona a ka dumella motho eo ho tlola ba bang mme a fetele pele, sena se tla bolela hore o kgetholla batho ba bang bao e leng kgale ba le moo ba emetse ho thuswa.
Mosebetsi ha a sebedise boemo ba hae tshebeletsong ya setjhaba ho ntshetsa pele kapa ho beha ka mosing ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha se seng se ratwang.
Ho hlakile hore hobane tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela, bao hara bona ho nang le ba welang dihlopheng tse fapafapaneng tse ratwang, mekgeng ya dipolotiki le bathong ba nang le ditumelo tse fapaneng le tsa ba bang, jwalo jwalo, basebetsi ba setjhaba ha ba lokela ho amana le ditaba dife kapa dife tse ka bonwang di bontsha tshekamelo e lebileng ka lehlakoreng le leng ho feta le leng.
Ho latela tshebeletso ya setjhaba, bohle ba tlang ho yona ba lokela ho sebeletswa ka ho lekana le ho latela maano a Mmuso o busang. Mosebetsi o lokela ho utlwisisa ka mokgwa o hlakileng hore ho na le phapano dipakeng tsa boikarabelo ba hae Mmusong o busang le ho ameha ka tsela e otlolohileng ditabeng tsa mokga wa dipolotiki.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ke setho sa mokgatlo o itseng wa botjhaba o keneng lebelong la tlhodisano ya ho fumana thuso ya Mmuso ka motheo wa selemo le selemo. Mosebetsi mohlomong o boemong bo hodimo mosebetsing wa lefapha le lokelang ho lekola, ho sebetsa le ho fana ka ditlhahiso tse nang le mabaka a hlohlomisitsweng hantle ho Letona le lokelang. Mosebetsi ya jwalo ho hang ha lokela hore a sebedise boemo ba hae ba mosebetsing ho tshehetsa kopo ya mokgatlo ona oo e leng setho sa ona ka mokgwa ofe kapa ofe, kapa ho beha ka mosing dikopo tsa mekgatlo e meng eo eseng ya hae. Mosebetsi ya jwalo o lokela hore a phatlalatse ditabatabelo tsa hae ho mohlokomedi wa hae ho thibela monyetla wa kgohlano kapa ho ka bonwang e le kgohlano ya ditabatabelo.
Mohlala wa 2: Basebetsi ba lebeletswe hore ba tshehetse ka diketso Matona kapa Matona a diporovense ho hlophisa ditokomane, jwalo jwalo, tse tla sebedisetswa mabaka a mmuso; a jwalo ka dingangisano tse lokelang ho tshwarwa tabeng ya molao o lohothwang. Basebetsi leha ho le jwalo, ha ba lokela ho amana le ho lokisa le ho rala ditokomane tse tla sebediswa ke Letona kapa Letona la provense bakeng sa mabaka a mokga wa dipolotiki.
Mosebetsi o hlompha le ho sireletsa seriti sa motho e mong le e mong le ditokelo tsa hae jwalo ka ha di fuperwe ke Molao wa motheo.
Basebetsi ba lokela ho itshwara ka mokgwa o bontshang tlhompho ho bohle bao a sebetsang le bona le setjhabeng, ho sa tsotelehe hore ke bo mang, ba shebahala jwang, ba boemong bofe, jwalo jwalo. Boitshwaro ba mosebetsi bathong ba bang e tshwanetse hore ebe bo bontshang setswalle, a fane ka thuse le hore a sebetse hantle.
Mohlala wa 1: Ha e ba basebetsi ba nehelanang ka tshebeletso khaontareng ba etelwa ke motho e mong ya fihlang moo a nwele ba kgaeyane ebile a hlodiya, ba lokela hore ba thuse motho eo ka tsela eo ba ntseng ba hlola ba thusa batho ba bang ka yona, le ho theola maikutlo le ho mo thusa hantle. Ke ntlha ya bohlokwa hore le hopole hore batho ba tonetse boemo bona ba ditaba mahlo le hore basebetsi ba ka ntlafatsa setshwantsho sa tshebeletso ya setjhaba ka ho sebetsa ka mokgwa wa profeshenale. Ha boemo bona bo sa laolehe mme basebetsi ba iphumana ba tjamelane le bothata ba taolo, ha ba lokela ho sebedisa maikutlo tharollong ya bothata bona, empa ba lokela hore feela ba ise motho enwa ho mohlokomedi wa bona, eo yena a tla sebetsana le yena ka tsela e poraefete.
Mohlala wa 2: Batho ba hlohleletswa ke mathata a tlhokeho ya tjhelete ho etsa kopo ya menyetla ya melemo ya thekolohelo. Bahlanka ba ikarabellang thusong ya bona ka diforomo tsa dikopo tse hlokehang ba lokela hore ba sekehele tsebe maemo ana a bona le ho ba thusa ka kutlwelobohloko.
Mosebetsi o lemoha tokelo ya setjhaba ya ho fumana lesedi, ntle le lesedi leo ka ho ikgetha e leng le tshireleditsweng ka molao.
Molao wa motheo o etsa monyetla wa mahlakore a mabedi mabapi le taba ya ho fumana lesedi. Lehlakore la pele ke ho ntshetsa pele ponaletso e tla dumella baahi bohle ho fumana ka mokgwa o utlwahalang lesedi kaofela le molemong wa setjhaba. Sena se tla ba thusa ho itahlela ka setotswana ha ho etswa maano ao ba batlang ho a bona a phethahatswa. Ntlheng ya bobedi, dipallo le tsona di rerile ho etsa hore baahi ba kgone ho sireletsa tse ding tsa ditokelo tsa bona tsa mantlha jwalo ka ha ho nehelanwe ka tsona Biling ya Ditokelo. Ba ka nna ba kopa mabaka a ngotsweng bakeng sa mohato ofe kapa ofe wa tsamaiso o ba amang ka tsela eseng monate. Ho feta mona, ba ka kopa lesedi lefe kapa lefe ka morero wa ho tshireletsa ditokelo tsa bona.
Jwalo ka ha mohlanka e mong le e mong ya sebeletsang setjhaba a lemohile, ho fumana hore ke lesedi lefe le molemong wa setjhaba ke taba e batlang e le boima. Lesedi le leng le itseng le nkuwa e le lesedi le tshireleditsweng le lokelang ho laolwa ke mafapha ho latela Tataiso tsa Maemo a Lekaneng a Tshireletso ya Lesedi jwalo ka ha e hlahisitswe ke Boemedi ba Mahlale a Naha (National Intelligence Agency). Bili ya Demokrasi e Bulehileng le yona e rerile ho theha moralo o loketseng oo ka ona taba e tla lokela hore e laolwe ke mafapha. Ntlha ena e boetse e thatafatswa ke Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995 o etsang monyetla wa mekgwa e ikgethang e dumellang bahlanka ba sebeletsang setjhaba ho ka fihlella lesedi le matsohong a Mmuso jwalo ka monga mosebetsi e le ho sireletsa ditokelo tse itseng tsa mosebetsi tsa basebetsi.
Basebetsi ka dinako tsohle ba lokela ho ananela tokelo ya setjhaba ya ho fumana lesedi.
Lefapha le leng le le leng le lokela hore le be le leano le tshwanelehileng le tsamaelanang le molao o loketseng wa naha ho laola taba ena kahare ho mekgatlo ya bona ka ho fapana.
Basebetsi ba lokela ho lemoha melao le leano le laolang taba ena kahare ho mafapha a bona.
Mabaka a sena le tsela e latetsweng e ileng ya tswala mohato wa tsamaiso ke dintho tse lokelang hore di ngodiswe ka tsela e nepahetseng e le hore lesedi le tle le fumanehe ha e ba le hlokeha.
Ha e ba motho ya tswang setjhabeng a ke ke a kgona ho fuwa lesedi leo a le kopileng, ho tshwanetse hore ho fanwe ka mabaka a amohelehang a qeto e jwalo ho motho eo.
Mohlala wa 1 : Ke ntlha ya bohlokwa hore setjhaba se fuwe lesedi ka nako. Ha e ba motho a kopile lesedi ka taba ya ho fumaneha ha dibasari empa lesedi leo a le fumana ka morao hoba boingodiso bo kwalle selemong seo sa dithuto, sepheo sa ho fana ka lesedi le jwalo se tla be se sa fihellwa ho hang.
Mohlala wa 2: Ho fumaneha ha lesedi ho boetse ho hlalosa hore lesedi le lokela hore le hlokomelwe mme le ntjhafatswe kgafetsa. Ha ho ka etsahala hore setho sa palamente se kope lesedi le itseng mabapi le dingangisano tseo ho tshwaranweng le tsona ka palamenteng, ha lefapha le hloka ho nehelana ka lesedi le nepahetseng le le ntjhafaditsweng ka nako, ketso ena e ka thefula tsela ya demokrasi.
Mohlala wa 3: Ho fana ka lesedi le sa nepahalang ke ntho eo le yona e ka bakang mathata a maholo. Setjhaba, ha ho etswa mohlala, se ka nna sa botsa ka morero o motjha o kenngwang tshebetsong oo ditlha tsa ona di esong ho ananelwe ke balaodi ba loketseng. Mosebetsi ya sa tsebeng sena, empa a na le lesedinyana la dintlha tse qalang tsa morero ona a ka nehela setjhaba lesedi leo eseng la molao. Tshebeletso ya setjhaba e ka iphumana e tlontlolehile ha diphetoho di etswa morerong ona mme morero ona o qetella o phethilwe ka mokgwa o fapaneng le oo setjhaba se neng se o lebeletse ka ona.
Mosebetsi o lokela ho sebedisana le basebetsi ba bang ho ntshetsa pele ditakatso tsa setjhaba.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi kaofela ba lemohe hore ba sebeletsa sepheo se le seng se tshwanang, e leng ho sebeletsa Mmuso o busang le setjhaba ka tsela e babatsehang le e tshepahalang ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng. Basebetsi ba lokela hore ka hoo, ba etse matsapa a ikgethang ho sebedisana le ba bang. Ka ho thusana le ho tshehetsana le ho arolelana tsebo, mehopolo ekasitana le mehlodi (moo ho tshwalehileng), basebetsi ba tla kgona ho sebetsa hantle ho feta le ho sebetsa molemong wa Mmuso le wa setjhaba.
Mohlala wa 1: Ke ntho ya bohlokwa ho lemoha boikemisetso kapa sepheo se akaretsang sa tshebeletso ya setjhaba le ho utlwisisa hore karolo e nngwe le e nngwe e nyenyane e phethahatswang, e kenya letsoho hore bohle ba fumane molemo. Ka hoo mosebetsi o lokela hore a amohele mehopolo le ditlhahiso tsa ba sebetsang le yena ba hlahang dikarolong tse ding. Ha ho na sebaka sa hore basebetsi ba honohelane kapa ho be le bofokodi ba sutha sebakeng seo ke sebetsang ho sona tshebeletsong ya setjhaba?
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a lemoha hore tlhoko e itseng e ka kgotsofatswa hantle feela ke ha e ba ofisi ya hae e sebedisana le e nngwe, mosebetsi o lokela hore a etse makgobonthithi a hore a fumane lesedi ka taba ya tshebedisano e jwalo, le ha e ba bahlanka ba ofisi e nngwe ba hloka tshebedisano le yena qalehong.
Mosebetsi e mong le e mong o phethisa ditaelo tse utlwahalang kaofela tse tswang ho batho bao ka molao ba behilweng hore ba nehelane ka ditaelo tse jwalo, ha feela ditaelo tseo di sa hohlane le dipallo tsa Molao wa Motheo kapa molao ofe kapa ofe o mong.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba phethise ditaelo tse utlwahalang kaofela tseo ba di fuwang, e le ho netefatsa hore setjhaba se fuwa tshebeletso ka mokgwa wa sebopeho se setle le o tsamaiswang hantle. Mekgatlo e meholo e jwalo ka mafapha a tshebeletso ya setjhaba e ka kgona feela ho sebetsa hantle ha ho na le metjha e nepahetseng ya taolo e hlomphuwang ke ba banyenyane. Ha ditaelo kaofela tsa molao di phethiswa ka nako le ka mokgwa o motle, mokgatlo kaofela o tla sebetsa hantle.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o amohela taelo ho mookamedi wa hae wa tsamaiso kapa wa dipolotiki hore a etse ho hong ho sa dumellwang ke dipallo tse tsamaisang tshebeletso ya setjhaba. Mosebetsi o lokela hore a tsebe hore melao ke efe le hore maemong a jwalo o lokela hore a bontshe mookomedi wa hae hore mohato oo o lohothwang ha se mohato wa molao. Ha e ba mookamedi a ntse a mo pheheletse ka taelo e jwalo, a kope hore a fuwe taelo ena ka tsela e ngotsweng fatshe, le yena a ngole mme a hane taelo eo mme a tswele pele ho tlaleha taba ena ho balaodi ba tshwanetseng.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a laelwa ke mookamedi hore a kenye ditokomane tsa ho reka sesebediswa moo mehato e tshwanelehileng ya ho thendara e sa kang ya latelwa, mosebetsi a ka kopa hore taba ena e fetisetswa ho mohlanka ya ikarabellang ho tsa ditjhelete hore ebe yena ya etsang qeto.
Mosebetsi o lokela ho qoba hore a bontshe tshekamelo ho batho ba habo le metswalle mesebetsing e amanang le mosebetsi mme a seke a sebedisa hampe matla a hae kapa a susumetsa mosebetsi e mong kapa a susumetswa ho sebedisa matla ao a nang le ona ka tsela e fosahetseng.
Tshebeletso ya setjhaba e lokela hore e kgethe, e kgothaletse le ho putsa mosebetsi ya nang le bokgoni ba ho nehelana ka tshebeletso, ntle le maikutlo a hae a dipolotiki kapa mekgatlo eo a e kenetseng, dikamano tsa lelapa kapa boemo ba hae setjhabeng.
a Ho sebetsa ka leeme mona ho bolelwa hore basebetsi ba bang ba kgethollwa mme ba kgethelwe mesebetsi e itseng, ba fuwe maemo a ka pele, ba tloswe moo ba leng teng ho iswa nqa tse ding, kapa ba tshwarwe ka mokgwa o ikgethang ka lebaka la maikutlo a itseng a tshwanang le a setswalle, ho buseletsa molemo o itseng, jwalo jwalo?
b Ho sebeletsa wa heno hona ho bolela hore mosebetsi o kenngwa mosebetsing, a fetisetswe maemong a mang a hodimo, a iswe sebakeng se seng kapa a etsetswe molemo o mong ka lebaka la hobane ho na le dikamano tsa lelapa kapa ho na le maqhama a mang le motho ya boemong bo itseng ho ka matlafatsa bohato bo jwalo kapa ho etsa hore dintho di tsamaye ka moo a batlang kapa ho sebedisa tshusumetso mokgweng o sebediswang?
Mohlala wa 1: Basebetsi ba babedi (mosebetsi wa A le wa B) ba kena moifong wa mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba. Ba behwa boemong bo tshwanang, ke metswalle e meholo mme ba sebeletsa ka ofising e le nngwe. Mosebetsi wa B o phahamisetswa maemong a hore ebe mohlokomedi wa monghadi A. Qetellong, o boemong ba ho abela monghadi A mesebetsi e ikgethang, e le hore a tle a kgone ho bontsha diketsahalo tse qoholehileng ho feta bakeng sa dintlha tsa maemo a hae tse hlahetseng ho feta ba sebetsang le yena. Ha nako e fihla ya hore monghadi A a hlahojwe bakeng sa dintlha tsa boemo ba hae, e leng tlhatlhobo e tsamaiswang ke Monghadi B ka mafolofolo le ho kgetha lehlakore, o fumana maemo a phatsimang ho feta, empa ho sa hlokehe hore a fumane maemo a jwalo?
Mohlala wa 2: Mosebetsi o kena tshebetsong ya ho hlwaya motho bakeng sa ho fuwa mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba. Mosebetsi o hlwaya motho eo e leng motswalle wa hae, setho sa mokga wa dipolotiki oo le yena a leng ho ona kapa setho sa sehlopha sa morabe o ikgethang. Ntho ena e tshwana le ya hore dikgalapa di a buseletsana, e leng ntho e hohlanang le morero wa Molao wa motheo le ditabatabelo tsa Mmuso.
Mohlala wa 3: Ho na le ditsela tse ngata tseo mosebetsi a ka sebedisang hampe boemo ba hae bo hodimo mosebetsing. Mohlala, basebetsi ba laolang sebaka seo dikoloi di emiswang ho sona ba fuwe ditaelo tse hlakileng tsa hore sebaka sa kemiso ya makoloi se behetswe feela bahlanka ba maemo a hodimo le baeti ba mmuso. Leha ho le jwalo, hlooho ya ofisi ena e fetola ditaelo tsena mme e dumella molekane wa yona ho emisa koloi sebakeng sena kgafekgafetsa. Mohato o jwalo o etsa hore basebetsi ba lahlehelwe ke tlhompho ya melawana le ya bahlanka ba maemong a hodimo, mme ke ntho e senyang tsamaiso e ntle ya mokgatlo.
Mosebetsi o sebedisa metjha e nepahetseng ho hlahisa ditletlebo tsa hae kapa o sebedisa boemo bo otlolohileng.
Leha ho amohelehile hore kgafetsa jwalo ho dule ho na le ditletlebo le diqabang tse bang teng mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba, ke ntho e molemong wa mosebetsi ya tletlebang le monga mosebetsi (le setjhaba) hore ditletlebo tse jwalo le diqabang di rarollwe dipakeng tsa mahlakore a amehang ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng.
a Tletlebo kapa qabang e ka rarollwa hantle feela ha e ba mahlakore a tletlebang kapa a nang le qabano a buisana ka morero wa ho tlisa poelano.
i Mehato ya tsamaiso ya tletlebo lekola karolo ya 35 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 ha e balwa le Melawana ya ho sebetsana le dillo le ditletlebo tsa bahlanka ba Tshebeletso ya Setjhaba, Molawana wa nomoro ya 6575, wa mohla la 5 Phupjane 1999 ho latela hore ke mosebetsi ofe kapa ofe ya tlisitseng tletlebo kapa qabang ho mohlokomedi ya haufi ya lokelang hore a fetisetse tletlebo ena balaoding ba maemo a hodimo ho feta ha e ba mohlokomedi a sa atlehe tharollong ya tletlebo kapa qabang eo.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi o fana ka pehelo e fosahetseng mabapi le tshebetso ya mosebetsi nakong eo ho etswang tekolo ya mosebetsi wa basebetsi ntle le hore a nehele mosebetsi enwa monyetla wa ho hlalosa lehlakore la hae. Sena ha se dumellane le metheo e sebediswang ya dikamano tsa basebetsi ka kakaretso. Mohlokomedi wa tshebeletso ya setjhaba o lokela hore a lemohe hore tshebeletso ya setjhaba e tshwanela ho fana ka mohlala tabeng ya ho latela metheo e loketseng ya dikamano tsa basebetsi le moya wa melao ya naha, mme ka dinako tshohle a netefatse hore o sebetsa ka mokgwa o hlokang leeme le o nang le toka.
Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995 oo ho ya ka ona mosebetsi e mong le e mong a ka tlisang qabang e teng tlwaelo e hlokang toka ya mosebetsi ho hlooho ya lefapha ya lokelang ho hloma lekgotla la poelano mme a fetisetse qabang ena ho lekgotla lena ha e ba lefapha le sa atlehe ho rarolla qabang ena e le lona.
Mohlala wa 2: Moromuwa ya sa thabang ka ntlha ya hore o lokolotswe mosebetsing ka tsela e nang le leeme, a ka fetisetsa ntlha ena ho hlooho ya lefapha, e tla lokela hore e tadime taba ena ya qabang mme e rarollwe. Ha e ba hlooho ya lefapha e sa atlehe ho rarolla qabang ena matsatsing a 20, moromuwa enwa ya ngongorehileng a ka kopa hlooho ya lefapha ho theha lekgotla la poelano nakong ya matsatsi a 10, leo le lona le lokelang hore le leke ho rarolla qabang eo. Ha lekgotla la poelano le hloleha ho rarolla qabang ena, moromuwa a ka leba Lekgotleng la Dinyewe tsa Basebetsi.
Moo tletlebo kapa qabang e amanang le tsamaiso e fosahetseng ya mehato e nang le leeme ya Mmuso jwalo ka ramosebetsi, tletlebo kapa qabang ena e ka boela ya fetisetswa ho Mosireletsi wa Setjhaba.
Mohlala wa 3: Moromuwa ya lemohang ditlwaelo tse hohelang dipotso tse sebediswang tikolohong ya hae ya tshebetso, a ka hlokomedisa mohlokomedi wa hae kapa hlooho ya lefapha. Ha a sa kgotsofalla karabo eo a e fumanang ho mohlokomedi wa hae kapa hlooho ya lefapha, moromuwa enwa ya tletlebang a ka fetisetsa taba ena ho Mosireletsi wa Setjhaba. Moromuwa tlasa maemo a itseng a ka nna a kgetha hore a lebe ho Mosireletsi wa Setjhaba ka sebele sa hae.
Mosebetsi o tlangwa ke tswelopele e ntle, kgothaletso le tshebediso ya moifo oo a leng ho ona wa tshebetso le ho ntshetsa pele dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya basebetsi.
Bahlokomedi kaofela kapa batsamaisi tshebeletsong ya setjhaba molemong wa ho fihlela boikemisetso ka kakaretso ba tshebeletso ya setjhaba, ba tlameha ho bona hore moifo wa basebetsi o taolong ya bona o na le tsebo le mahlale a ho etsa mesebetsi ya bona boemong bo hlokehang, le hore ba kgothetse ho ka nehelana ka ditshebeletso le hore ba ikemiseditse le hore ba a kgona ho ntshetsa pele dikamano tse ntle.
a Ntshetsopele ya moifo wa tshebetso e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela?
ho bona hore moralo ona o a latelwa; le v hore ka dinako tsohle a hlokomele katleho ya moralo o jwalo.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi o lokela hore ka ditherisano le mosebetsi ya sa tswa kenngwa mosebetsing botjha, a fumane ditlhoko tsa hae tsa thupelo ya kahare ho mosebetsi. Ditlhoko tse fumanweng tsa thupelo di lokela hore di kenngwe lenaneong la thupelo le tsamaelanang le lenane la mesebetsi ya hae le bukana tsa mehato e lokelang ho latelwa. Moralo wa thupelo o lokela hore le ona o hlophiswe hore o rale hantle tsela ya ntshetsopele ya mosebetsi enwa e motjha ya sa tswa kena mosebetsing.
b Ho kgothatsa moifo wa basebetsi ho bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela?
a kenye mehato e tla ntlafatsa boemo ba kgothatso ya moifo wa basebetsi ha e ba ho hlokeha; le iv hore kgafetsa a nne a hlokomele boemo ba kgothatso ya moifo wa basebetsi.
c Tshebediso ya moifo wa basebetsi e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela?
ho kenya mehato ho etsa monyetla wa tshebediso e kgabane ya moifo wa basebetsi; le iv hore ka dinako tsohle a hlokomele tshebediso ya moifo wa basebetsi.
Mohlala wa 2: Bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela hore ka dinako tsohle ba dule ba hlokometse boima ba mosebetsi le boemo ba tshebetso ya moifo wa basebetsi ba bona e le hore ba netefatse hore moifi wa basebetsi kaofela o sebediswa hantle. Sena se tla thusa ho qoba boemo moo basebetsi ba bang ba sebetsang haholo ha ba bang bona ba sebetsa hanyenyane. Moifo wa basebetsi o lokela ho kgothaletswa ho ithuta mesebetsi eo ka tlwaelo eseng mesebetsi ya bona le ho tseba mesebetsi e tswetseng pele haholo, e le hore ba kgone ho hola jwalo ka basebetsi hore ba dule ba le malala-a-laotswe ha ho ka etsahala hore ba sebedisetswe maemo a hodimonyana ha nako e jwalo e fihla.
d Ntshetsopele ya dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela?
ho kenya mehato, ha e ba ho hlokeha, ho ntlafatsa dikamano tsa mosebetsi le tsa tshebedisano; le iv hore ka dinako tsohle a dule a hlokometse dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya moifo wa basebetsi.
Mohlala wa 3: Bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela hore bahlokomela hore ho na le moya wa tshebedisano ya moifo karolong tsa bona tsa tshebetso mme moo ho bonahalang e ka moifo wa basebetsi ba bona ha o hule hantle kapa o dula o phehisane kgang, ba kene ka pelenyana ho hlaola lehola leo.
Mosebetsi o lokela ho sebetsa ka toka, ka mokgwa wa profeshenale le ka tekano le basebetsi ba bang, ho sa natswe taba ya botjhaba, ya hore motho ke mosadi kapa ke monna, ya bomorabe kapa ya moo o tswang teng bophelong, mmala, tshekamelo ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo, dipolotiki tseo motho a leng ho tsona, metheo ya bophelo, seo o se dumelang, setho kapa puo.
Molao wa motheo, molao wa mosebetsi le basebetsi, ha mmoho le Molao o Tlwaelehileng, ke dintho tseo kaofela di nehelanang ka tokelo ya motheo ho basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba hore ba tshwarwe ka tsela e hlokang leeme le ka tekano. Ha tokelo ena e ameha ka mokgwa o itseng, basebetsi ba ka sebedisa mekgwa ya tharollo ya qabang eo e tswang Molaong wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994, le Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba le Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995, kapa ba ka leba Lekgotleng la Molao wa motheo, Lekgotleng le Phahametseng ohle la Dinyewe kapa ho Mosireletsi wa Setjhaba ho fumana tharollo teng, ho tswa feela hore maemo a ditaba ke afe. Ke ka hoo e leng taba ya bohlokwa hore bahlokomedi kapa batsamaisi ba tshebeletsong ya setjhaba ba lokelang ho tseba hore tshwaro e hlokang leeme le e lekanang e bolelang.
a Ho sebetsa ka tsela e hlokang leeme le mosebetsi e mong ho bolela hore mosebetsi o lokela hore?
ka dinako tsohle ba dumelle basebetsi ba bang hore ba fumane moemedi ha kopo e jwalo e le teng; le iv ka dinako tsohle ba ikemisetse ho tsohla kapa ho kena ditherisanong kapa ho kena dipuisanong ka mokgwa o phatlalatseng.
Mohlala wa 1: Mohlala, ha mosebetsi a qoswa ka boitshwaro bo bobe, o lokela hore a tshwarwe ho latela ka moo mehato e tsepamisitsweng e leng ka teng, le ho latela ditokelo tsa hae ditabeng tsa nyewe ya hae.
Ho hloka leeme ho latela mehato e tsepamisitsweng ho bolela hore mehato e ikgethang ya tsamaiso ya diqoso e latelwe mme mosebetsi o lokela?
hore a be le tokelo ya ho hloma dipaki dipotso; le hore a be le tokelo ya ho etsa boipiletso.
Tlhokeho ya leeme ditokelong tsa ditaba tsa nyewe ho bolela hore dintlha kaofela tse hlahisitsweng nyeweng mona di lokela hore di nkelwe hloohong ka mokgwa o sa sebediseng maikutlo ho hang pele ho ka dihuwa kahlolo.
b Ho sebetsana le basebetsi ba bang ka mokgwa wa profeshenale ho hlalosa hore mosebetsi o lokela?
v ho hlompha ditokelo tsa basebetsi ba bang; le vi hore hape a nkele hloohong ditabatabelo tsa ba bang ba amehang.
c Ho sebetsana le basebetsi ba bang ka tekano ho hlalosa hore mosebetsi o lokela?
hore a tshware basebetsi ba bang jwalo ka balekane ba hae ka dinako tsohle; le iii hore ka dinako tsohle a seke a sebedisa maikutlo mme a sebedise tsela e tshwanang nakong eo a etsang diqeto tse amang basebetsi ba bang.
Mohlala wa 2: Mohlokomedi o lokolla basebetsi ba bang ba welang sehlopheng sa tumelo ya hae ka nako e itseng ya mosebetsing empa o hanela basebetsi ba bang ba welang dihlopheng tsa tumelo tse ding nako e jwalo hore ba be siyo mosebetsing. Ena ke kgethollo. Dihlopha tsa ditumelo kaofela di lokela hore di fumane tshwaro e tshwanang ka mokgwa o tshwanang.
Mosebetsi ha a lokela ho amana le mesebetsi ya mokga wa dipolotiki sebakeng sa mosebetsi.
Ho latela Molao wa motheo, tshebeletso ya setjhaba ho hang ha e a tshwanela ho amana le dipolotiki ka tsela efe kapa efe tshebeletsong eo e nehelanang ka yona ho batho. Sena se hlalosa hore basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba ba lebeletswe hore ba nehelane ka ditshebeletso ho baahi bohle ba naha mme ho hang ha ba lokela ho hlwaya ba bang ho ba bang. Tshebeletso ya setjhaba le basebetsi ba yona ba tshebeletsong ya naha kaofela ha ba lokela hore mosebetsing wa bona, ba eteletse pele ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe o ikgethang wa dipolotiki.
Mohlala wa 1: Motho ya aparang T-shirt e nang le mapetjo a mokga wa dipolotiki nakong eo a fanang ka ditshebeletso ka ho toba setjhabeng a nehelana ka ditokomane tsa boitsebiso a ka nna a qoswa ka ditlwaelo tse kgethollang tse kgotsheng moya wa dipolotiki ha e ba a sa kgone ho nehelana ka tokomane ya boitsebiso nakong e itseng e ikgethang, le ha e ba mohlomong a sa kgone ho laola lebaka la tieho. Ho feta mona, motho e mong ho ba tswang setjhabeng a ka fumana a sa kgotsofalla ho thuswa ke motho ya ntshetsang pele mokga o ikgethang wa dipolotiki sebakeng sa setjhaba.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ya dumellang ditho tsa mekga e meng e itseng ya dipolotiki ho fumana lesedi leo batho bohle ba nang le tokelo ya ho le fumana, empa a hanela ditho tsa mokga o mong wa dipolotiki ho fumana lesedi lona lena, o hlolehile ho nehelana ka ditshebeletso ho batho bohle ba Afrika Borwa, ho sa tsotelehe mokgwa oo ba keneng ho wona wa dipolotiki.
Mosebetsi o tsitlallela ho finyella maikemisetso a hae kapa a sebaka sa hae ka mokgwa o sa senyeng tjhelete le molemong wa setjhaba.
Basebetsi nakong ya mosebetsi wa bona wa letsatsi le leng le le leng ba lokela ho dula ba ipotsa hore naa seo ba se etsang ehlile se na le nyehelo nehelanong ya ditshebeletso kapa sephethong seo karolo ya tlhophiso ya mosebetsi wa bona o ikarabellang ho sona. Ntho ena, e fela e hloka hore basebetsi ba be le tsebo e phethahetseng ya sepheo le maikemisetso a dikarolo tsa bona le mokgatlo oo ba o sebeletsang, mme ntlha ya bohlokwa hape, ke hore ba tsebe hantle mesebetsi ya bona e ikgethang karolong eo ba leng ho yona.
Bahlokomedi kapa batsamaisi maemong ohle ba lokela hore le bona ba dule ba ipotsa hore naa mesebetsi eo karolo tsa bona di e etsang ehlile e na le nyehelo nehelanong ya ditshebeletso tseo mekgatlo eo ba e sebeletsang e ikaraballang ho tsona naa.
Basebetsi ha mmoho le bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela le hore ba hlokomele hore ho seke ha phetwaphetwa mosebetsi oo hantlentle o loketseng hore o etswa ke mokgatlo o mong.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o bapala papadi ya khompeuta khompuyuteng ya ofisi nakong ya dihora tsa mosebetsi. Ketso ena e nyemisa mooko le ho theola moya wa oiketlahetso ba tshebetso mme ka ho etsa jwalo o utswa le nako ya mosebetsi (mme nako ke tjhelete) ho monga mosebetsi. Ha motho a hloka mosebetsi o lekaneng o lokela ho bolella mohlokomedi wa hae e le hore a tle a kgone ho mo sebedisa ka tsela e nepahetseng morerong wa ho finyella sepheo sa mokgatlo.
Mohlala wa 2: Motsamaisi wa lenaneo la ditekanyetso kapa motsamaisi wa boikarabelo o lokela hore a sebedise hantle matlotlo a setjhaba ao a tshepetsweng hore a finyelle boikemisetso ba lenaneo ka ona. Sena se hloka moralo o nepahetseng le hore ho qojwe diqeto tse sa tsitsang kapa tse etswang feela ka ho panya ha leihlo di sa lekodisiswa hantle.
Mosebetsi o lokela hore a nahane ka boiqapelo phethahatsong ya mesebetsi ya hae, o dula a batla ditsela tse ntjha tsa ho rarolla mathata mme o boloka tshebetso e nang le matla a tshebetso le e ntle ho latela se hlaloswang ke molao.
Basebetsi ba lokela hore ba itahlele ka setotswana phethahatsong ya mesebetsi ya bona. Ba lokela hore ba dule ba nahana hantle ka dinako tsohle mme ba batle ditsela tsa hore ba kgone ho etsa mosebetsi wa bona ka potlako ho feta le mokgwa o ntlafetseng le ho feta e le hore ba tle ba kgone ho fana ka sephetho se ntlafetseng ha mmoho le ditshebeletso. Nakong ya letsatsi le tlwaelehileng la mosebetsi, ho hlaha mathata a mangata boemong ba mosebetsi. Basebetsi ba lokela hore ba dule ba batla ho rarolla mathata ana ka mokgwa o potlakileng ho feta le o hlwahlwa ho feta mme ba lokela hore ba batle le mokgwa o nang le boiqapelo o ka tlang monahanong wa bona o tla thusa ho thibela mathata hore a se hlole a etsahala hape.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi ya sebetsang karolong e lokelang ho fana ka ditifikeiti a lemoha hore setjhaba ha se a kgotsofala ka mehato e latelwang le nako e nkuwang ho fana ka ditifikeiti, o lokela hore a lekole ditsela tseo tshebeletso ena e ka potlakiswang ka tsona le ka mokgwa o tla sebetsa hantle ho feta, mme a eletse mohlokomedi wa hae ka tsela e loketseng.
Mohlala wa 2: Ha e ba mosebetsi ya sebetsang ka ofising e fang setjhaba ditsebiso hore batho ba na le mathata a ho fumana sebaka sa ho emisa makoloi a bona kapa ba lokela ho ema me leng nako e telele, mosebetsi eo o lokela hore a nahane ka mekgwa ya ho rarollla bothata bona. Mohlomong sebaka seo ho nehelanwang ka tshebeletso ho sona se ka suthiswa ho iswa sebakeng se tla lokela setjhaba ho feta, moo ebileng se kgonang ho finyella ha bobebe, kapa mohlomong ho ka etswa dibaka tse ngata moo ho tla nehelanwa ka tshebeletso teng.
Mosebetsi o lokela hore a boloke nako phethahatsong ya mesebetsi ya hae.
Basebetsi ba lokela ho lemoha hore boikarabelo ba bona ba molao ke ba bohlokwa le hore ba lokela ho tsepamisa maikutlo a bona ka ho phethahala ha ba phetha mesebetsi ena ya bona, nako ya bona le matla a bona ke tsa bohlokwa. Basebetsi ba lokela hore ba leke ka ditsela tsohle ho hlokomela hore mesebetsi ya bona e phethahetse ka nako eo ba e filweng.
Basebetsi ba lokela hore ho feta mona ba tsitlallele hore ba ikgothatse ka bobona mme ba itsamaise ka bobona, ba tshepahale ha ba phetha mosebetsi wa bona ho latela maano le mehato e behilweng ntle le hore motho e mong a ba kope kapa a ba hopotse ho etsa mosebetsi.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o fihla mosebetsing morao ho nako ebile a kgathetse ka lebaka la ho hlola nako e telele moketjaneng wa bosiu bo fetileng mme ha kgone ho etsa mosebetsi wa hae hantle. O molato ka ho hloka boikarabelo le ho senya tjhelete ya setjhaba.
Mohlala wa 2: Ha e ba mosebetsi a lokela ho phetha mosebetsi o potlakileng ka nako e behilweng, o lokela ho sebetsa ka tsela e tla etsa hore a seke a hloleha ho phetha mosebetsi oo ka nako e behilweng. Ho ka nna ha hlokeha hore a sebetse ka nako ya teye le ka nako ya dijo tsa motsheare le ka morao ho dinako tse tlwaelehileng tsa ho etsa mosebetsi, kapa a be a tshwanele le ho kopa thuso ya basebetsi ba bang ba sebetsang le yena ha e ba mosebetsi oo o le moholo haholo hore o ka etswa ke motho a le mong nakong eo e hlokehang.
Mosebetsi o phetha mesebetsi ya hae ka mokgwa wa profeshenale le o bontshang tsebo.
Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba ipotse hore naa ba fela ba kgotsofetse e le ka nnete ka mosebetsi wa bona le hore naa ba ne ba tla kgotsofala ha e ba ba ne ba le boemong ba batho ba amohelang tshebeletso ho bona. Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba ipotse hore naa ba tshwere ba bang (basebetsi ba sebetsang le bona, bahlokomedi le setjhaba) ka mokgwa o nang le tlhompho ya seriti sa botho ba bona le ditokelo tsa bona tsa molao le hore naa ba bontsha tsebo, bokgabane, le tsela ya thuso le ya tshebetso e ntle. Bokgoni ba bona ba ho nehelana ka ditshebeletso ka mokgwa wa profeshenale le bontshang tsebo ya mosebetsi ke dintho tse tla itshetleha boemong ba bona ba tsebo ya mesebetsi ya bona e lokalang hore e phethwe, e leng ntho eo ka lehlakoreng le leng e toboketsang boikarabelo ba monga mosebetsi le basebetsi ba thupelo.
Mohlala wa 1: Ka dinako tse ding mosebetsi ya fanang ka tshebeletso ya khaontareng o lokela hore a sebetsane le motho ya bonahalang a na le bothata ba kutlwisiso ya hore hobaneng dintho tse ding di lokela hore di etswe ka mokgwa o itseng. Mosebetsi ha a lokela ho thothwa ke letshwafo ka lebaka leo, empa ka maikutlo a phodileng o lokela hore a hlolosetse motho eo mabaka. Ha motho eo a ntse a sa kgotsofala, mosebetsi a ka etsa tlhahiso ya hore motho eo a ngole tletlebo ya hae mme a mo fe aterese moo a lokelang ho romela tletlebo ya hae teng.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a na le boikarabelo ba ho arabela dipotsisiso tse ngotsweng tse tswang setjhabeng, o lokela hore a etse bonnete ba hore dipotsisiso kaofela di arabuwa ka potlako le hore dikarabo di fupere dintlha tse nepahetseng, hape a bope ditaba tsa hae ka tsela e ipotlileng le e nepahetseng. Moo ho nang le bothata ba ho araba ka potlako, mosebetsi o lokela hore bonyane a ananele kamohelo ya potsisiso eo ka potlako.
Mohlala wa 3: Mosebetsi ya sa tswa thaotuwa o behwa tshebeletsong ya khaontara ntle le tlhokomelo e tobileng le pele a fuwa thupelo e tshwanetseng. Leha ho ka hlaha kgang ya ntlha ya hore mosebetsi enwa o lokela ho ithutela mesebetsi ya hae mosebetsing, ha ho a lokela hore ho seke ha tadingwa taba ya hore kotsi e ka tliswang ke tlwaelo e jwalo ya setshwantsho seo monga mosebetsi a fanang ka sona ha e ba mosebetsi eo a etsa dintho tse fosahetseng kapa batho ba lebeletseng thuso tshebeletsong ena ba iphumana ba senyehetswe ke nako ka mokgwa o sa amoheleheng?
Mosebetsi ha a lokela ho etsa eng kapa eng e thulanang kapa e hohlanang le phethahatso ya mesebetsi ya hae ya molao.
Basebetsi kaofela molemong wa ho tlisa le ho hlokomela hore ho na le tshepo tshebeletsong ya setjhaba ba lebeletswe ho sebetsa ka mokgwa o nang le botshepehi le o bontshang boitelo.
e tlontlollang Mmuso jwalo ka monga mosebetsi; kapa f bonahalang e na le monyetla wa ho beha ka mosing kapa ho etsetsa molemo mekga e itseng feela.
Boitshwaro ba basebetsi mosebetsing le kantle ho mosebetsi e lokela hore ebe boo Mmuso o busang le setjhaba, bo tla etsa hore ba tshetjwe hore ba ka etsa mosebetsi wa bona, ka maikutlo a le mang a molemong wa ditabatabelo tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya sebetsanang le ho hlahloba ditokomane tsa lekgetho ha a lokela hore kantle ho mosebetsi kapa nakong ya dihora tsa molao tsa mosebetsi, a thuse batho ba tswang setjhabeng, ho qoba ho lefa lekgetho ka ho lefellwa mosebetsi oo tjhelete e ka thoko ho moputso wa hae, kapa a etsetsa batho bao thuso feela.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ha a lokela ho dula lekgotleng la mokgatlo kapa kgwebo eo lefapha la hae le sebedisanang le yona.
Mosebetsi o tla ipehella ka thoko mosebetsing ofe kapa ofe wa molao kapa wa ho etsa qeto e ka qetellang e mo tswaletse molemo ka tsela e sa nepahalang, mme ntho ena e lokela hore e phatlalatswe hantle ke mosebetsi.
Ka dinako tsohle moo basebetsi ba ikutlwang hore ba ke ke ba kgona ho dula ba hloka ho sebetsa ka maikutlo a itseng phethahatsong ya mosebetsi wa bona kapa ha ho etswa qeto, kapa moo batho ba bang ba ka bang le pelaelo ya ho dumela hore ba ke ke ba kgona ho sebetsa ntle le ho sebedisa maikutlo hobane ba na le kamano e itseng ya kantle, ba lokela hore hang hang ba ikgule mesebetsing e jwalo e le ho sireletsa setshwantsho se hlokang leeme, se nang le tlhompho le se tshepahalang sa tshebeletso ya mmuso.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a le moifong o hlwayang o ikarabellang tabeng ya hore ho tlatswe sekgeo sa mosebetsi mme a fumana hore e mong wa batho ba habo o kopile mosebetsi ona mme o kentswe lenaneng la ba nang le monyetla wa ho feta dipuisanong tsa mosebetsi ona, mosebetsi ya jwalo o lokela hore a ikgule dipuisanong hobane a ke ke a nkuwa a kgona ho dula a sa sebedise maikutlo a hae. Mosebetsi o lokela hore a boele a phatlalatse sena ka ho se ngola fatshe.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a ameha thekong ya mobu kapa naha bakeng sa morero wa projekte ya Mmuso mme karolo e nngwe ya mobu kapa naha ena e le ya e mong wa batho ba habo, mosebetsi enwa o lokela hore a hlahise ntlha ena ho bahlokomedi ba hae mme a ikgule tabeng ya ho sebetsana le mosebetsi ona o ikgethileng.
Mosebetsi o amohela boikarabelo ba ho etsa hore a fumanehe bakeng sa thupelo e dulang e tswela pele mosebetsing le boikarabelo ba ho intshetsa pele tshebetsong yohle ya hae.
Ke boikarabelo bo ikgethang ba batsamaisi le bahlokomedi ho bona hore ba welang ka tlase ho bona mosebetsing ba fumana thupelo ya motjha o tjhele ho etsa bonnete ba hore ba tla kgona ho phethahatsa mesebetsi ya bona ntle le ho salasalwa morao le ho ba fa mahlale a ntshetsopele ya mesebetsi ya bona nakong e tlang.
b na le tsebo e phethahetseng ya ho phetha mosebetsi wa hae; le hore c sebedisa tsebo le mahlale ao a nang le ona bakeng sa merero ya mohlomong tshebediso maemong a hodimonyana nakong e tlang.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi e motjha a hloka bonnete bo botle ba ho etsa mesebetsi efe kapa efe ya hae, o lokela hore a tadime dipallo tse laolang mesebetsi e tshwanetseng mme a seke a tswafa ho botsa ba sebetsang le yena kapa mohlokomedi wa hae kapa a leke ho fumana thuso mehloding ena ka bobedi ba yona.
Mohlala wa 2: Basebetsi ba ileng ba sebetsa tshebeletsong ya setjhaba nakong ya dilemo tse ngata ba ka nna ba bontsha boikemisetso bo fokolang dibakeng tse ding tsa mosebetsi wa bona. Ke ntho e neng e tla ba tswela molemo ho sebedisa monyetla ofe kapa ofe ho fumana thupelo e nngwe e tswelang pele, mohlala, ho phetha thuto e itseng e amanang le ditlhoko tsa mosebetsi wa bona, kapa ho ingodisetsa ho tswela pele ka dithuto tsa thuto e akaretsang.
Mosebetsi o a tshepahala ebile o jara boikarabelo ba ho sebetsana le ditjhelete tsa setjhaba mme o sebedisa theepa ya tshebeletso ya setjhaba le mehlodi e meng ka mokgwa o loketseng le o sebetsang hantle empa sena o se etsetsa merero ya mmuso e dumeletsweng.
Setjhaba ka kakaretso se tshepetse bahlanka ba tshebeletso ya setjhaba maruo, theepa le matlole a Mmuso, ka tebello ya hore basebetsi bana ba tla sebetsana le tsena tsohle ka mokgwa o nang le boikarabelo le wa botshepehi.
Basebetsi ba boetse ba lebeletswe ho tlisa dipoloko ho motho ya lefang lekgetho ka tsela eo ba tshwarang theepa ya setjhaba ka teng ha mmoho le matlole. Ke ntho ya bohlokwa hore basebetsi ba lemohe hore ha ditshenyehelo tsa Mmuso di bolokilwe di le tlase, naha e tla fumana ditshebeletso tse ngatanyana le tsa boleng bo ntlafetseng tse kgonang ho fella kahare ho meedi ya mehlodi e teng.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a kgona ho finyella motjhine wa fekse, mosebetsi enwa ha a lokela hore a amohele le ho romela difekse tsa poraefete tlasa boitshireletso ba hore ke tsa molao. Ha mosebetsi a lokela hore a romele fekse ya poraefete, o lokela hore a fumane tumello ya ho etsa jwalo mme o lokela hore a lefelle tshebediso ya motjhine oo wa difekse.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a sebedisa theepa ya Mmuso (dikoloi, metjhine, difanitjhara, jwalo jwalo), ka mokgwa o bohlaswa kapa ka ho se tsotelle letho mme a qetella a bakile tshenyo. Hona ho bolela hore tjhelete ya setjhaba e sentswe le hore ke ditshebeletso tsa boemo bo tlasenyana tse ka finyeletswang bathong, e leng ntho e sa tswe leng setjhaba molemo wa letho.
Mohlala wa 3: Ha mosebetsi o sebedisa theepa ya Mmuso (ntho efe kapa efe ho tloha ho pampiri le dipensele ho fihlela dikoloing) mabakeng a hae a poraefete. Ntho ena ha e tswele setjhaba molemo wa letho hobane motho enwa ha a utswetse Mmuso feela le molefi wa lekgetho, empa o etsa hore setjhaba se hloke tlhompho tshebeletsong ya setjhaba.
Mosebetsi o ntshetsa pele tsamaiso e tsitsitseng hantle, e kgabane, e sebetsang hantle, e bonaletsang le e nang le boikarabelo.
Ntshetsopele ya tsamaiso e tsitsitseng hantle, e ntle, e bonaletsang le e nang le boikarabelo e bolela hore moahi e mong le e mong o lokela hore a fumane tshebeletso e lekanang ebile e sebetsa hantle, e nang le thuso le setswalle, ho sa natswe maemo a hae, hore ke motho wa mosadi kapa ke wa monna, morabe wa hae, jwalo jwalo.
Ha ho nehelanwa ka ditshebeletso tsa tsamaiso e ntle, e sebetsang hantle le e nang le boikarabelo, makgabane a mantlha le metheo ya Molao wa motheo a lokela hore a dule a hopotswe ka dinako tsohle. Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba leke hore ba phethe mesebetsi ya bona ntle le tieho, mme hape ba dule ba tsitlalletse hore ba etse mosebetsi wa boleng, ho sa tsotelehe hore mosebetsi oo o bonahala o nyediseha ho le hokae.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a fuwe taelo ya hore a etse dikhopi tsa ditokomane tse tlo hokelwa mangolong a romelwang mekgatlong e fapafapaneng ya kantle, dikhopi tseo di tshwanela hore di hlweke hantle le ho hlaka hantle, hobane ntho eo e tla phaella ka mokgwa o itseng setshwantshong sa tshebeletso ena.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ya ikarabellang taolong ya dipalangwang tsa Mmuso o lokela hore a etse bonnete ba hore dilokbuku tsa makoloi kaofela a abetsweng lekala kapa karolo ya hae di finyeletse ka nako moo ho loketseng teng le hore dikhilomithara tse tsamailweng di ngodisitswe ka mokgwa o nepahetseng kaofela.
Mohlala wa 3: Mesebetsi kaofela ya mmuso e lokela hore e ngodiswe ka tsela e nepahetseng e le hore mehato e latetsweng le tsohle tse nketsweng hloohong di tle di hlake hantle ha e ba ho ka ba le dipatlisiso tse ka etswang kapa ho na le qabang tse ka hlahang. Ntho ena e tla matlafatsa ponaletso.
Mosebetsi nakong ya mosebetsi wa hae wa molao, o tla tlaleha balaoding ba loketseng, bobodu, bomenemene, tshebediso ya mmetla o kgola o e lebiswa ho wa habo, tsamaiso e fosahetseng le ketso efe kapa efe e nngwe eo e leng ya tlolo ya molao, kapa e ka behang ka mosing ditabatabelo tsa setjhaba.
Bomenemene bo bolela tllhokeho ya boitshwaro bo botle e je leng setsi haholoholo tjootjo le bobodu. Bomenemene bona ka dinako tse ding ke diyanokeng di bapile le ditlwaelo tse ding tsa tlolo ya molao, mohlala tshusumetso ya thekiso ya dithethefatsi, taba ya basebetsi ba teng dibukeng tsa mosebetsi empa ba le siyo ka sebele, bobodu le tlolo tsa molao tse hlophisitsweng tse ka behang tsietsing morou wa nnete. Ntlheng ya pele, ena ke taba ya ho senyeha ha phedisano ya batho mme ke ntho e kotsi haholo setjhabeng sefe kapa sefe. Ntho ena hangata e tsamaya le tlwaelo ya bophelo ya borui bo tlang ka potlako. Ntlheng ya bobedi, ke ntho e nyedisang matla a tsela ya dipolotiki ka ho senya tshepo le botshepehi, hobane ha tsamaiso e lahlehelwa ke tshepo ho tsoha jwale maemo a tlhokeho ya botsitso le boitaolo. Ntlheng ya boraro, sena se beha mokgwa wa moruo tsietsing. Sena se fetoha tshupa e jang boipolokelo kapa matsete, ho sa natswe hore ke matsete a bahwebi ba tswang kantle kapa ba selehae. Bomenemene bo tjena bo ja mooko wa tshepo ya setjhaba le botshepehi ba demokrasi ya rona. Ntho ena e lokela hore e hle e faolwe boemong bona bo simollang?
Ke mosebetsi wa basebetsi kaofela ho tlaleha diketso dife kapa dife tseo eseng tsa molao, boitshwaro ba bolotsana kapa ditlwaelo tsa bomenemene ho bahlokomedi kapa balaodi ba tshwanelehileng ka pelenyana ha ba lemoha diketso tsena feela. Ditlwaelo tsa bomenemene ka dinako tse ding di totiswa ke kgaello ya molao mosebetsing, bosiyo ba boikarabelo ba setjhaba le boikarabelo, le taba ena ya ho kgetholla batho hobane e le bao o tsebanang le bona.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya nang le boikarabelo ba ho tsamaisa basebetsi kgafetsa ka minibus wa Mmuso a ka nna a dumellwa, ka mabaka a utlwahalang, ho tsamaya ka minibus ona ho leba hae le ho emisa koloi eo moo lapeng la hae. Basebetsi ba bang ba lemoha hore mosebetsi enwa o sebedisa minibus jwalo ka teksi ho fumana tjhelete e nngwe e ka thoko. Ba lokela hore ba tlalehe sena ka potlako mohlokomeding wa mosebetsi enwa. Ha e ba ho sa nkuwe mehato e tshwanelehileng, taba ena e ka nna ya tlalehwa ho Mosireletsi wa Setjhaba.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi wa Lefapha la Dipalangwang ya ikarabellang ho fana ka dikotlo tsa sephethephethe ho batho ba tlotseng molao wa tsela, a nonoswa tjhelete ke mokganni ka tsela ya ho mo reka ka bolotsana, o lokela hore a tlalehe motho eo ya mo nonosang tjhelete ka bolotsana hore a tle a kgone ho qoswa. Ha mosebetsi amohela tjhelete efe kapa efe ya bolotsana, o molato ka bomenemene.
Mohlala wa 3: Mosebetsi ha amane le ditlwaelo tsa bomenemene, empa o lemohile hore ho na le basebetsi ba bang ba sebetsang le yena ba nkgang lefotha ditlwaelong tse tjena. Ha mosebetsi ya jwalo a itholela mme a sa tlalehe tlwaelo ena e fosahetseng, o qoba bokarabelo bo kopanetsweng ba tshebeletso ya setjhaba e nang le nnete. Boemong bo tjena ba ditaba, o nkuwa a nkga lefotha le yena bomenemeneng bona.
Mosebetsi o fana ka keletso ho mookamedi e moholwanyane ha a kopuwa hore a fane ka thuso ya mofuta ona, keletso ena ke e tshepahalang le e sa kgetheng lehlakore, e thehilweng leseding lohle le loketseng le le fumanehang.
Ka dinako tsohle ha basebetsi ba kopuwa hore ba fane ka keletso ho molaodi ofe kapa ofe e moholwanyane ka taba e itseng, keletso e jwalo e lokela hore ho fanwe ka yona ka motheo wa nnete wa profeshenale ho latela molao wa boitshwaro wa mosebetsi. Keletso ena ha e a lokela hore e susumetswe ke ditabatabelo tsa botho kapa maikutlo a botho.
Mohlala: Mosebetsi ya sebetsanang le tletlebo ya e mong wa ba sebetsang le yena eo ebileng a mo utlwelang bohloko, ha a lokela hore a lobe dintlha hore di seke tsa finyella ho batsamaisi hobane a batla ho beha tletlebo ya motho eo ya sebetsang le yena ka tsela e ntle. Ho qoba o fana ka lesedi leo le lokelang boemong bo tjena ba ditaba, ke ntho e ka nnang ya beha lefapha kapa tsamaiso ka mosing.
Mosebetsi o lokela hore a hlomphe lekunutu la ditaba, ditokomane le dipuisano, moo makunutu a sa lokelang ho phahlwa kapa moo ho nkwang hore ditaba tse moo ke lekunutu kapa sephiri.
Ponaletso e bolela, hara tse ding, hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana lesedi le tshwerweng ke Mmuso ha e ba lesedi le jwalo le hlokeha bakeng sa ho sireletsa ditokelo tse ding tse itseng tsa motho. Leha ho le jwalo, ho ka nna ha ba le lesedi le sa lokelang hore le phahlwe hobane e le lekunutu. Boemong bo jwalo ke mosebetsi wa mosebetsi wa setjhaba ho hlompha lekunutu, hobane ho phahla lesedi le jwalo ke ntho e ka nnang ya beha Mmuso tsietsing.
Mohlala wa 1: Ke ntho e fosahetseng hore mosebetsi a nehelane ka lesedi leo e leng lekunutu ho baraditaba, jwalo ka memorandamo tsa Khabinete kapa setshwantsho sa leano le ntseng le botjwa ke Mmuso o busang.
Mohlala wa 2: Lesedi le bolokilweng direkotong tseo e leng tsa basebetsi le nkuwa e le lekunutu mme ka dinako tsohle le lokela hore le tshwarwe ka tsela e jwalo. Lesedi lena, ha ho tehwa mohlala, ha le a lokela hore le fuwe khampani ya inshorense kapa khampani kapa motho ofe kapa ofe wa kantle ntle leha ho na le lebaka le amohelehang la ho etsa jwalo ebile le dumeletswe ka tsela e tshwanelehileng.
Lesedi leo e leng lekunutu le la bohlokwa haholo le lokela hore le romelwe ka fekse bosiyong ba menyetla e meng ya thomelo e sireletsehileng ho feta. Fekse e jwalo e lokela hore e dumellwe ke mohlodi le moamohedi pele ho nako, mme lesedi le hlophisitsweng e le lekunutu le hodimo ebile e le sephiri se seholo ha le a lokela hore le romelwe ka marangrang a setjhaba, ntle le moo le moo ho nkilweng mehato ya tshireletso. Lesedi lena le lokela hore le sireletswe le ho notlellwa ka senotlolo ka tsela efe kapa efe kapa ka mokgwa ofe kapa ofe o teng.
TAOLO YA HO FUMANEHA HA LESEDI: Dihlopha tse fapafapaneng tsa lesedi di lokela hore di fumanwe ke basebedisi ba loketseng le ba hopoletsweng hore ba le fumane. Lenane la ho lekola taolo ya ho fumaneha ha lesedi le lokela hore le bolokwe. Ditokelo tsa ho finyella lesedi lena di lokela hore di nkelle hloohong ho tswella ha tshebetso. Mantswe a sebediswang jwalo ka senotlolo sa ho finyella lesedi lena khompuyuteng a ke ke a arolelanwa le motho ofe kapa ofe ka mabaka afe kapa afe. Ho finyella lesedi lena ka tsela e hole ya remoutu le hona ho lokela hore ho laolwe ka mawa a loketseng a tshireletso ka tsela e thata ya boitsebiso, e tshepahalang le tsela ya mahlale a tshebediso ya diMolawana tse ikgethang. Hore lesedi lena le fumanwe ke batho ba bang ba kantle ke ntho e ka dumellwang diketsahalong tse nyenyane kapa tse sa amaneng le mathata a letho.
IMEILI LE WWW: Di lokela hore di sebedisetswe mabaka a mosebetsi eseng bakeng sa merero eo eseng ya molao e fupereng kotsi. Thomelo ya lesedi la bohlokwa e lokela hore e felehetswe ke Molawana e loketseng ya tshireletso le tshaeno e tswetseng pele ya elektroniki. Ho tshwanetse hore ho bolokwe tikoloho e hlokang tshupa e senyang difaele tsa bohlokwa, difaele tsa meili o belaetsang di seke tsa bulwa. Hlokomela tlolo tsa molao wa ditokelo tsa dikhopi, netefatsa lesedi le ho ananela mehlodi. Theepa e sa nepahalang e sefuwe pele.
TSHIRELETSO YA LESEDI: Lesedi leo e leng lekunutu le lokela hore ka dinako tsohle le romelwe le foromo ya Molawana watshireletso. Mehato ya tlamo bakeng sa tshireletso e lokela hore e behellwe pele mme e bolellwe basebetsi bohle. Ka dinako tsohle boporaefete ba lesedi le lekunutu ke dintho tse lokelang hore di hlokomelwe. Ho tshwanetse hore ho tsepamiswe maikutlo tabeng ya hore mahlakore a mang a sebetse ka nnete tshwarong ya lesedi le amohetsweng pele ho hasanngwa lesedi. Tshireletso ya lesedi e seke ya sehelwa moedi tabeng ya tshebediso ya mantswe a sebediswang jwalo ka dinotlolo feela, ho tshwanetse hore ho sebediswe mekgwa e meng ya tshireletso mohlala, ho tadingwe taba ya tshebediso ya tlhophollo ya lesedi ka mokgwa wa bayometriksi. Ebe basebetsi ba dumeletsweng feela ba kgonang ho ka buwa le boraditaba. Meqoqo e jwalo e lokela hore e ralwe ka tsela e nepahetseng mme e tsamaisane le moralo o batsi ho feta wa tshebetso. Diaterese le dinomoro tsa fekse di lokela hore di tiiswe hore di nepahetse pele di romelwa.
THIBELO YA DITLOLO TSA MOLAO TSA MARANGRANG A KGOKAHANO KA MEKGWA YA TAOLO YA METJHINE: Maemo a tshireletso e hodimo a lokela hore a hlokomelwe bakeng sa marangrang a dikgokahano. Ka dinako tsohle ho lokela hore ho etswe ditlhatlhobo tsa mathata a ka hlahang ho fana ka lesedi la ho latela ka moo ditlhaselo di ka fokotswang ka teng. Ho lokela hore ho tiiswe bokgoni ba tokiso e potlakileng. Ho seke ha tehelwa ka thoko bopaki ho latela motheo wa hore ke lesedi le sebopehong sa elektroniki. Ditlolo tsa molao tsa marangrang a dikgokahano tsa mekgwa ya puisano ya metjhine di lokelwa ke kotlo ya molao ho latela Molao wa Dikgokahano tsa Ilekroniki le Taolo ya merero ya kgwebo, Molao wa Tshitiso le Tlhokomelo ke e meng ya mehlodi ya molao wa ditlolo tsa molao. Moifo wa basebetsi o lokela hore o dule o le sedi ebile o fadimehile ka dinako tsohle.
Mosebetsi nakong ya mosebetsi wa hae wa molao, o lokela hore a apare le ho itshwara ka mokgwa o matlafatsang lebitso le letle la tshebeletso ya setjhaba.
Mmuso le setjhaba ba lebeletse boemo bo hodimo ba profeshenale ho bahlanka ba sebeletsang setjhaba. Tsela ya tshebetso ya profeshenale mona e bolela ho hlompha dinako tsa mosebetsi, boithaopo, boitelo, mahlale a mosebetsi le ho fana ka tshebeletso ya boleng. Mosebetsi o lokela hore ka dinako tsohle a apere ka tsela e hlwekileng, e ntle le e hlomphehang. Basebetsi, haholoholo ba sebetsanang le setjhaba ka mokgwa o tobileng, ha ba lokela hore ba apare ka mokgwa wa ho qhanolla haholo kapa ka tsela e bohlaswa.
Mohlala wa 1: Basebetsi, haholoholo ba sebetsang ho thusa setjhaba ka mokgwa o tobileng, ha ho tehuwa mohlala, ha ba lokela, ho sebetsa ka hempe e tabohileng le borikgwe ba jini e nang le masobasoba.
Mohlala wa 2: Ha ho mohlanka wa setjhaba ya lokelang ho tla mosebetsing a shebahala ka mokgwa o bohlaswa. Mohlala, ha e ba mosebetsi ya sebetsang karolong ya naha ya moo ho kenang batho ba matjhaba a e tla mosebetsing a sa kuta ditedu le moriri hantle mme a nkga jwala phu! Motho ya jwalo o tla fana ka setshwantsho se fosahetsng sa Afrika Borwa, e leng ntho e ke keng ya tswela naha molemo wa letho.
Mosebetsi o lokela hore a itshware ka mokgwa o bontshang boikarabelo mabapi le tshebediso ya dino tse tahang kapa dintho dife kapa dife tse ding tse nang le tahi.
Ha ho mosebetsi ya lokelang hore a be tlasa tshusumetso ya tahi kapa ya eng kapa eng e tahang nakong ya mosebetsi. Ntle le tlontlollo eo ketso ena e ka e bakang, ntho ena e ka boela ya tlisa tshusumetso e mpe mokgweng oo mosebetsi enwa a etsang mosebetsi wa hae ka ona le dikamanong tsa hae le basebetsi ba bang ha mmoho le setjhaba.
Maikutlo a tshebetso ya basebetsi le moya o motle wa ho sebedisana le ba bang mosebetsing ke ntho ya bohlokwa haholo tshebetsong ya mokgatlo ofe kapa ofe. Basebetsi ha ba lokela ho itlontlolla mahlong a basebetsi ba bang ka ho sebedisa hampe dintho tse tahang nakong ya mesebetsi ya bona ya molao.
Leha mosebetsi a se mosebetsing, o dula e le mohlanka wa setjhaba mme ka dinako tsohle o lokela ho itshwara ka tsela e bontshang boikarabelo e le hore a seke a tlontlolla tshebeletso ya setjhaba.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi ya ipolaisang tahi nakong ya moketjana wa ofising mme a qetelle a tahilwe, o tla itlontlolla haholo ho ba boemong bo ka hodimo ho ba hae, ho basebetsi ba sebetsang le yena le ho basebetsi ba tlasa tlhokomelo ya hae. Ntho ena e ka tlisa tshwaetso e fosahetseng tshebetsong e ntle ya karolo ya hae ya mosebetsi.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi, haholoholo mosebetsi ya lokelang ho thusa setjhaba, a fihla mosebetsing a nkga jwala (kapa mohlomong le ho feta moo, a fihla a tahilwe) o se a ntse a le molato o itseng wa boitshwaro bo bobe, mme boitshwaro ba hae bo tla senya setshwantsho sa kakaretso le tshebetseo e ntle ya tshebeletso ya setjhaba. E boetse ke ntho ya bohlokwa hore boitshwaro ba mofuta ona bo nkuwe jwalo ka boitshwaro bo fosahetseng mme mosebetsi ya jwalo o lokela ho qoswa ka boitshwaro bo bobe tlasa maemo ana a tjena.
Ha ho mosebetsi eo ntle le kananelo e ngotsweng le e fumanehileng pele e tswa ho Hlooho ya Lefapha, ya tla amohela mpho efe kapa efe ya poraefete, melemo e itseng kapa theepa e nang le boleng ba tjhelete (tlhaloso le boleng ha mmoho le mohlodi wa mpho ya boleng bo sa feteng R350) ho motho ofe kapa ofe nakong ya phethahatso ya mesebetsi ya hae hobane sena se ka nkuwa e le tjootjo.
Ha motho a sebetsa jwalo ka Mohlanka wa Setjhaba, ho sebetsa ha mofuta o jwalo ho jere moelelo o ikgethang haholo. Ka tsela e hlakileng sena se bolela hore mosebetsi ya jwalo o rekisetsa Mmuso tshebetso ya hae mme o tla lefuwa ka makgetho a bokellwang a tswa setjhabeng ka kakaretso mme mosebetsi ya jwalo o tla nehela setjhaba tshebeletso e hlwahlwa ka ho fetisisa eo a kgonang ho nehelana ka yona ka mokgwa wa profeshenale le boitelo.
Bahlanka ba Setjhaba ha mmoho le setjhaba ka kakeretso ba lokela ho utlwisisa ka mokgwa o hlakileng hore ntle le moo ho hlokehang ka molao hore setho sa setjhaba se lefe tjhelete e nngwe hape bakeng sa tshebeletso eo e ikgethang, mohlala, moo ho tshwanetseng hore ho lefuwe tjhelete e itseng ya tokomane ya boitsebiso, ha ho tefo tse ding hape tse lokelang hore di be teng ka sebopeho sa kheshe kapa sa ho lefa ka mokgwa o mong o itseng. Motheo ona o lokela hore o kenyeletswe ditjhateng tsa tshebeletso kaofela mme ke motheo o lokelang hore o pepeswe ka tsela e hlakileng meahong ya setjhaba molemong wa setjhaba. Moo ho hlokehang ditefello tse ding hape tsa tshebeletso e ikgethang, sena se lokela ho bontshwa ditokomaneng tse tshwanetseng (tsa dikopo).
Ka mokgwa ona o tshwanang le ona oo, ba nang le monyetla wa ho fana ka ditshebeletso kgwebong tsa poraefetae ba lokela hore ba lemoswe ntlha ya hore Tshebeletso ya Setjhaba, ka ho fumana ditshebeletso kapa theepa, ba tlangwa ke metheo e fuperweng ke Molao wa motheo o laolang tsamaiso ya tshebeletso ya setjhaba e hlokang boitshwaro ba boemo bo hodimohadi ba boprofeshenale. Nonoso ya dimpho, ditshehetso tsa ditjhelete, theepa ya papatso, memo tsa dijo tsa motsheare, jwalo jwalo, ha se dintho tse lokelang ho bopa karolo ya mesebetsi ya papatso mabapi le Tshebeletso ya Setjhaba hobane ntle le tikatiko ke ntho e fanang ka maikutlo a tshusumetso e sa nepahalang ya batho ba etsang diqeto mme hape e etsa hore ho tswalehe le phehisano e sa nepahalang moo bafepedi ba banyenyane a ditshebeletso ba hlolehang ho ka jara mesebetsi e jwalo.
Hobane taba ena ka dinako tsohle e rotetsa maikutlo a mangata, mohlala o latelang o reretswe hore o sebetse jwalo ka tataiso ya diketso tsa mafapha ntlheng ya mofuta o tjena. Ho boima ho fana ka tataiso e nang le dintlha tsohle ho mafapha mme mafapha a lokela hore a kope dikeletso Khomesheneng ya Tshebeletso ya Setjhaba ha e ba a na le kgwao e itseng mabapi le maemo a itseng a ka hlahang.
Kamohelo ya dimpho dife kapa dife kapa theepa e nngwe ya boleng ba tjhelete ho motho ofe kapa ofe kapa lekaleng lefe kapa lefe la batho ba hlokang hore ba etsetswe ho hong ka molao, e le batho ba etsang kgwebo le mmuso, kapa ba etsang mesebetsi e laolang katleho ya mesebetsi ya basebetsi e ka ba teng feela ha e ba ho na le kananelo e hlakileng hantle e tswang ho Hlooho ya Lefapha.
Ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore mpho efe kapa efe kapa ho etsetswa molemo o itseng o tswang mohloding o mong oo eseng motho wa heno e lokela ho phatlalatswa. Dimpho kapa menyetla e lokelang hore e phatlalatswe ke e ka hodimo ho R350. Basebetsi ba ka rerisana le Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba moo mohlomong ba nang le qeaqeo e itseng mabapi le kamohelo ya dimpho.
Mosebetsi ha a sebedise kapa ho fana ka lesedi lefe kapa lefe la molao ho iphumanela phaello e itseng kapa molemong wa phaello ya ba bang.
Basebetsi bao nakong ya tshebetso ya bona ya molao ba thulanang le lesedi la bohlokwa, leo e leng lekunutu ebile e le sephiri nako le nako, ha ba lokela ho fana ka lesedi lena ntle le tumello e hlokehang ya ho etsa jwalo. Ho ke ke ha fanwa ka lesedi kapa ha sebedsiwa lesedi molemong wa ho ithuisa ha basebetsi ba itseng kapa molemong wa hore batho ba itseng ba fumane molemo kapa ho tshehetsa boiphetetso boo mosebetsi a nang le bona kgahlanong le ba bang. Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba nkele hloohong hore naa ho phahla lesedi leo ho tla tlisetsa tshebeletso ya setjhaba molemo kapa tjhe. Basebetsi ba lokela ho utlwisisa hore ponaletso ha e bolele hore ho tshwanetse hore ho nehelanwe ka lesedi ntle le ho kgetholla. Hobane ke ntho e boima ho nehelana ka tataiso e phethahetseng ya ka moo lesedi le lokelang hore le fuwe batho ka teng, basebetsi ba kgothaletswa hore ka dinako tsohle ba batle tumello pele ho balaodi ba ka hodimonyana ho bona moo ba nang le qeaqeo ntlheng ena.
Mohlala wa 1: Hore ho nehelanwe ka mokgwa o tla latelwa wa ho hlwaya mosebetsi kapa dipotso tse tla sebediswa ho mmotsa dipotso ho ba bang ba kenetseng tlhodisano ya sekgeo se teng sa mosebetsi ha se ntho feela e bontshang tshekamelo e fosahetseng ya boemo ba bahlodisane ba bang, empa e boetse ke ntho e behang ka mosing ditokelo tsa ba bang ba keneng lebelong la tlhodisano hore ba fumane monyetla o lekanang le wa ba bang ho ka qothisana lehlokwa le bona ka sekgeo seo sa mosebetsi.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi, ka lebaka la mofuta wa mosebetsi wa hae, a na le tsebo ya morero wa projekte ya Mmuso e tla phahamisa boleng ba theepa sebakeng se itseng, mosebetsi eo ha a lokela hore ka tsela efe kapa efe a sebedise lesedi leo a nang le lona bakeng sa boithuiso ba hae kapa ba e mong wa habo kapa metswalle ya hae.
Mosebetsi ha a dumellwa hore ntle le tumello, a etse mosebetsi o mong o ka mo fang tjhelete ntle le tumello, kantle ho mosebetsi wa hae wa molao kapa hona ho sebedisetsa theepa ya ofisi eo a sebetsang ho yona mosebetsi o jwalo.
Basebetsi ba lebeletswe hore ba tsepamise maikutlo ohle a bona, nako le mahlale ohle ao ba nang le ona tshebeletsong ya setjhaba jwalo ka mohiri wa bona. Sebopeho le ditlhoko tsa mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba ke tse etsang hore ditabatabelo tsa tshebeletso ya setjhaba le tsa setjhaba ho ka etsahalang hore di behwe ka mosing ke mohlanka wa setjhaba ya etsang mosebetsi o mo fang tjhelete kantle ho mesebetsi ya hae ya molao. Ke ka hoo e leng ntho e tlamanang hore mosebetsi a fumane tumello pele bakeng sa ho etsa mosebetsi o fanang ka tjhelete ka morao ho dihora tsa mosebetsi..
Mohlala wa 1: Mosebetsi o fetoha molekane kgwebong. Ho na le tlhophiso ya hore o lokela hoba mosebetsing kgwebong ka morao ho dihora tsa mosebetsi feela. Ntle le tebello, boemo ba mosebetsi mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba bo hloka hore a sebetse ho feta dihora tse lebeletsweng tsa mosebetsi. Sephetho sa taba ena se ka lebisa kgohlanong ya ditabatabelo, tsitsipano ya maikutlo le maikutlo a arohaneng.
Mohlala wa 2: Ngaka ya meriana e sebetsang sepetlele sa Mmuso, e ke ke ya etsa mosebetsi o ka thoko, ntle le tumello e tswang ho hlooho ya lefapha la hae e leng mosebetsi wa nakwana moo e lefuwang tjhelete tulong ya phekolo ya bakudi ya motswalle wa hae kapa ya sebedisa theepa ya Mmuso kapa le meriana bakeng sa sepheo sena.
Mohlala wa 3: Mosebetsi o etsa mosebetsi o mong wa bobedi ka morao ho dihora tsa mosebetsi, e leng ntho e bolelang hore o haellwa ke nako ya ho rabala. Mosebetsi enwa o qetella a kgathetse nakong motsheare mme ha a kgone ho sebetsa ho ya ka moo a lebeletsweng ka teng kapa ka moo a kgonang ka teng. Sena ha se molemong wa setjhaba mme ke ntho e senyang tjhelete ya balefi ba lekgetho ka tsela e sa tobang.
A.1 Hore dipallo tse loketseng tsa molao wa motheo di tle di kgone ho sebetsa tse amanang le Tshebeletso ya Setjhaba, basebetsi kaofela ba lebeletswe ho ikamanya le Molawana wa Boitshwaro eo ho nehelanwang ka yona Kgaolong ena.
A.2 Molawana e lokela hore e sebetse jwalo ka tataiso ho basebetsi ho seo ba lebeletsweng hore ba se etse ho latela ntlha ya tjhadimo ya boitshwaro, boitshwarong ba bona ka bomong le dikamanong tsa bona le ba bang.
Boikamanyo le Molawana bo lebeletswe hore bo matlafatse mokgwa wa profeshenale le thuso ho tiisa hore hore ho tle ho be le tshepo Tshebeletsong ya Setjhaba.
B.1 Ho na le tlhokeho ya hore basebetsi ba fuwe tsela e mabapi le dikamano tsa bona le lekgotla le etsang melao, bahlanka ba tshwereng ditulo tsa dipolotiki le ba maemong a ofisi ya phethahatso, basebetsi ba bang le setjhaba le ho bontsha moya oo basebetsi ba lokelang hore ba etse mesebetsi ya bona ka ona, le hore ke eng ntho eo ba lokelang hore ba e etse ho qoba dikgohlano tsa ditabatabelo le hore ho lebeletswe eng ho bona ho latela boitshwaro ba bona setjhabeng le bophelong ba bona ba poraefete.
B.2 Leha Molawana wa Boitshwaro e ile ra ralwa hore e akaretse dintlha tsohle ka hohle ka moo ho ka kgonehang, ha se melawana e qetang matla e laolang maemo a boitshwaro. Leha ho le jwalo, dihlooho tsa mafapha, ka lebaka la boikarabelo ba bona ho latela karolo ya 7 (b) ya Molao wa tsamaiso e phethahetseng le taolo ya mafapha a bona le ho hlokomela hore tsohle di tsamaya ka molao, hara tse ding, ba tlanngwe ke mosebetsi wa ho tiisa hore boitshwaro ba basebetsi ba bona bo nyallana le makgabane a mantlha le metheo e laolang tsamaiso ya setjhaba le ditabatabelo le maemo a hlokwang ke Molao. Dihlooho tsa lefapha di boetse di lokela ho etsa bonnete ba hore moifo wa bona wa basebetsi o tseba mehato ena, le hore ba amohela le ho ikamanya le yona.
Sepheo se seholo sa Molawana ena ke se setle, e leng ho kgothaletsa boitshwaro bo tla dula e le mohlala. Ntle le mona, mosebetsi o tla fumanwa a le molato mme ho ka sebetsanwa le yena ho latela tumellano e tshwanetseng e fihletsweng mmoho ha e ba a ka tlola pallo efe kapa efe ya Molawana wa Boitshwaro kapa a hloleha ho inyalanya le pallo e nngwe ya ona.
C.1.3 o phethahatsa ka botshepehi maano a Mmuso o busang tshebetsong ya hae ha a etsa mosebetsi ya molao ho latela ka moo e fuperweng ka teng ke melao kaofela le ditaelo tse ding.
Molao wa motheo ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba.
C.2.6 ha kgetholle ka leeme motho ofe kapa ofe ya tswang setjhabeng ka lebaka la botjhaba ba hae, taba ya hore ke monna kapa ke mosadi, morabe wa hae kapa boemo ba moo a tswang teng bophelong, mmala, tshekamelo ya hae ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo ya hae, dipolotiki tseo a leng ho tsona, tshekamelo ya hae ya ho kgetholla botle ho bobe, seo a dumelang ho sona, setho sa hae kapa puo ya hae.
Tshebeletsong ya Setjhaba ho ntshetsa pele maikutlo a hae a ho beha ka mosing ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha seo eseng sa dipolotiki.
C.2.9 o ananela tokelo ya batho ya hore ba fumane lesedi, ho tehetswe ka thoko lesedi le tshireletsweng ke molao ka ho ikgetha.
C.3.6 ha ho moo a amanang le taba ya mesebetsi ya dipolotiki tsa mokga sebakeng sa mosebetsi.
C.4.12 o hlompha makunutu a ditaba, ditokomane le dipuisano, tse lokodisitsweng e le tsa lekunutu kapa tse bontshang hore ke lekunutu kapa sephiri.
C.5.5 a ke ke a etsa mosebetsi o mo lefang kantle ho mosebetsi wa hae wa molao kapa a sebedisa theepa ya ofisi bakeng sa mosebetsi o jwalo ntle le tumello ya ho etsa jwalo.
<fn>sot_Article_National Language Services_BUKANA YA TATAISO HO.txt</fn>
NPI e ngodisitswe e le khamphani ya Section 21 ya Molao wa dikhamphani, Molao wa 61 wa 1973, mme nomoro ya yona ke 75/04742/08.
NPI ke ya Setjhaba, eo bakeng sa tsamaiso ya karolo e laolang Matlotlo a Setjhaba e nkuwang e le lekalana la Lefapha la Mesebetsi.
National Productivity Institute ke mokgatlo o dikarolo di tharo o ikemiseditseng ho ho ntshetsa pele le ho ntlafatsa bokgoni ba Afrika Borwa ba tlhahiso ka ho phahamisa moya wa boraro boo bo kopaneng ka diphuputso, phatlalatso ya lesedi, thupelo, ho thusa, ho batlisisa, bohlakisi le bolebedi ditabeng tsohle tsa tlhahiso le diphepetso tsa ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba Maafrika Borwa ohle.
NPI e na le kantoro ya naha e fumanwang Pretoria le dikantoro tse pedi tsa sedika Durban le Cape Town. Kantoro ka nngwe e na le Motsamaisi wa sedika.
NPI e qapile mananeo a mahlano a bohlokwa ho shebana le tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, mawa le mesebetsi ya NPI. Lenaneo ka leng le tsamaiswa ke Motsamaisi wa mananeo.
Molao wa Kgothalletso ya ho Fihlela Tlhahisoleseding, Molao wa 2 wa 2000 (oo tokomaneng ena o tla bitswa Molao) o reretswe ho hlakisa tokelo ya molao wa motheo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le tshwerweng ke Mmuso le motho e mong, mme le hlokahalang bakeng sa ho sebedisa kappa ho sireletsa ditokelo dife kapa dife, le ho hlokomela tse amanang le lona?
Ho ya ka Karolo ya 10 ya Molao ona Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho e tlameha ho phatlalatsa tataiso e nang le lesedi la mofuta ona ha ho na le motho ya le hlokang (eo tokomaneng ena a tla bitswa Mokopi) e le hore Mokopi a tle a fumane lesedi le mmusong kapa le mothong e mong, ha lesedi leo le hlokahala bakeng sa ho sireletsa ditokelo tsa Mokopi?
Tataiso eo e ne e le siyo ha ho hlophiswa papitshana ena. Tataiso ena e lebelletswe ho fumaneha ho HSRC pele ho mafelo a Phato 2003.
Dipatlisisiso mabapi le lesedi le bolokilweng NPI mme le hlokahalang bakeng sa ho sireletsa ditokelo dife kapa dife le tsona di ka lebiswa Lefapheng la Mesebetsi lefapha la mmuso leo NPI e ikarabellang ho lona?
Ha ho hlokahala NPI e tla ntlafatsa pampitshana ena le ho phatlalatsa dihlomathiso ha ho hlokeha, le ka dinako tse sa feteng selemo nako ka nngwe.
Ha ho tlhaloso ya ditaba tseo NPI e nang le direkoto tsa tsona kapa dihlopha tsa direkoto e teng e ka phatlalatswang. Ditaba tseo NPI e nang le direkoto tsa tsona le dihlopha tsa direkoto tseo NPI e nang le tsona mofuteng ka mong wa ditaba di ka tsejwa feela ha ho ka etswa kopo ya tsona.
Ho ya ka Molao ona, mokopi o lokela ho fumantshwa rekoto ya ditaba tsa setjhaba ebang mokopi a kgotsofaditse ditlhoko tsohle tsa Molao tsa tsamaiso mabapi le kopo ya ho fihlella rekoto eo, ha eba rekoto eo e sa thibelwa ka mabaka afe kapa afe, kapa thibelo e jwalo e boletsweng Molaong.
Kopo ya bo fihlella rekoto jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong e lokela ho dumellana le Foromo ya A ya Sehlomathiso sa B sa Molawana wa 187 wa 15 Hlakola 2002, oo khopi ya ona e ka fumanwang websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding wa NPI kapa ho e mong wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Ha eba mokopi a sa tsebe ho bala kapa ho ngola, kapa a ena le boqhwala bofe kapa bofe bo mo sitisang ho sebedisa tokelo ya hae jwalo ka ha e hlalositswe ka pejana, kopo ya ho fihlella rekoto e ka etswa ka molomo ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho ofe kapa ofe wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Ho ya ka dipehelo tsa Molao, ditefello tsa ho hlahisa botjha direkoto tse matsohong a NPI di behilwe Ntlheng ya 2 ya Karolo II ya Sehlomathiso sa A sa Molawana wa 187 wa 15 Hlakola 2002. Kopi ya lesedi lena e ka fumanwa websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho ofe kapa ofe wa Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Lekala la Boeletsi la NPI le etsa mosebetsi o ikgethang wa ho hlahloba ditsela tsa tlhahiso tsa indasteri, kgwebo le mokgwa wa setjhaba hammoho le mekgatlo ya baahi, mme le eletse hore tsena di ka ntlafatswa jwang. Sehlopha sa NPI sa baeletsi se thusa ka boitsebelo bo batsi le bokgoni boo ba bo fumaneng ka ho etsa mesebetsi e mengata haholo ya tlhahiso mebarakeng ya lehae le ya matjhaba selemo le selemo. Lenaneo lena le tsamaisa ditshebeletso tsa lona ka metjha e tsepamisitseng maikutlo ditikolohong tse nne, e leng Setsi sa Tekolo, Mekgwa ya ho Ithuta, Taolo ya Thekiso, le Taolo ya Tshebetso. Lesedi le fetang lena mabapi le ditshebeletso tsena le ka fumanwa websaeteng ya NPI, kapa ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding le/kapa ho Batlatsi ba Mohlanka wa Tlhahisoleseding.
Ho fapana le dibopeho tse ding tsa setjhaba, NPI ha e na metjha ya ka hare ya boipiletso. Ha mokopi a dumela hore NPI e iphapantse le/kapa ho sitwa ho ikobela boitlamo ba yona ho ya ka Molao, taba ena e tlameha ho rarollwa ka puisano ya setswalle pakeng tsa mahlakore a amehang, mme ha ho sa dumellanwe, lehlakore ka leng le bolokolohing ba ho ya lekgotleng la dinyewe la sebaka seo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Batho Pele 2.txt</fn>
Ho mabapi le ho sebetsa ka mokgwa o fetelang ka nqane ho oo re lokelang ho sebetsa ka ona.
Ditherisano Ho tshwanetswe hore ho rerisanwe le baahi ka boemo le boleng ba ditshebeletso tsa mmuso tseo ba di fumanang, mme ha ho kgoneha, ba fuwe boikgethelo mabapi le ditshebeletso tseo ba fuwang tsona.
Maemo a Ditshebeletso Baahi ba tshwanetswe ho bolellwa hore ke maemo le boleng bofe ba ditshebeletso tsa mmuso tseo ba tla dui fumana e le hore ba tle ba tsebe hore ba lebelle eng.
Phihlelo Baahi bohle ba tshwanetse ho ba le mokgwa o lekanang wa ho fihlela ditshebeletso tseo ba lokelang ho di fumana.
Tlhahisoleseding Baahi ba tshwanetswe ho fuwa dintlha tse felletseng, hape tse nepahetseng tse mabapi le ditshebeletso tsa mmuso tseo ba lokelang ho di fumana.
Ho etsa dintho pepeneneng le ho hloka sephiri Baahi ba tshwanetswe ho bolellwa ka moo mafapha a naha le a diprovense a tsamaiswang ka teng, ditjeo tsa ona ke bokae, le hore ke mang ya ikarabelang moo.
Ho lokisa Ha ho sa fanwe ka maemo a tshebeletso ao ho tshepisanweng ka ona, ho tshwanetswe hore ho kotjwe tshwarelo, tlhaloso e felletseng le tokiso ya ka potlako e tla tsamaya hantle haholo; mme ha ho na le ditletlebo tse etsuwang, baahi ba lokela ho fumana dikarabo tse nang le kutlwelo hape di fana le ka tshepo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Bili ya Dipuo tsa Afr.txt</fn>
Ho fana ka moralo o tla etsa monyetla wa hore ho ntshetswe pele dipuo tse fapafapaneng tsa Afrika Borwa le ho kgothaletsa tlhompho ya ditokelo tsa puo ho latela moralo wa kaho le tlatsetso ya setjhaba sa Afrika Borwa se kopaneng sa demokrasi, ho nketswe hloohong le kamohelo ya dipuo tse fapafapaneng, toka setjhabeng, motheo wa ditshebeletso tsa setjhaba tse finyelehang ka ho lekana ha mmoho le mananeo, tlhompho ya ditokelo tsa puo, tlhomamiso ya ditshebeletso tsa puo maemong ohle a mmuso, matla le mesebetsi ya ditshebeletso tse jwalo, le dintlheng tse amanang le moo.
Ho latela Molao ona, ntle le moo moelelo o bontshang tlhaloso e nngwe e fapaneng?
i Molao wa motheo?
dipuo tsa kwano?
yuniti ya puo?
sesebediswa sa molao?
dipuo tsa molao?
lekala la mmuso?
viii sebopeho se seng?
ix "Potoloho" e bolela tsela eo ditokomane tse reretsweng hore di finyelle setjhaba ka kakaretso tse phatlalatswang le ho hasanngwa ke lefapha lefe kapa lefe la mmuso wa naha ka phetoho tse itseng, pusong efe kapa efe ya provense, di tla fumaneha ka nako e le nngwe ka dipuo tse tsheletseng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng Karolong ya 52, kapa ho latela ka moo mehato ya provense e ka behang ka teng.
x Dipuo tsa Afrika Borwa?
Molao ona o kenyeletsa molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela Molao ona?
Maikemisetso ka Molao ona ke?
c ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba kgone ho sebedisa dipuo tsa molao tsa kgetho ya bona jwalo ka ha e le tokelo ya bona lethathameng la meelelo e mengata e kgethollwang ke Molao ona ka sepheo sa ho netefatsa hore ho na le monyetla o lekanang wa ho fumana ditshebeletso tsa mmuso ha mmoho le mananeo, thuto, le tsebo ekasitana le lesedi.
d ho etsa monyetla wa moralo wa taolo o tla kgothaletsa tshebediso e nang le matla a phethahatso ya boitlamo ba molao wa motheo bo amanang le tshebediso ya dipuo tse ngata.
Metheo e tataisang Molao ona ke e latelang?
a Kgothaletso le kamohelo ya dipuo tse fapafapaneng ke dintho tse lokelang ho tsitlallelwa ho latela dipallo tsa Molao wa Motheo le molao o tshwanetseng wa matjhaba.
b Kgothaletso ya tshebediso ya dipuo tsa kwano kaofela le Puo kapa dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sa kgoneng ho buwa ka molomo empa ba sebedisa matsoho ho buwa.
c Ho tsitlallelwe taba ya hore ho ikatelwe ka tekano ya dipuo le ditokelo tsa puo ka mokgwa o tla etsa hore ho kgothaletswe kopano kapa bonngwe ba setjhaba le demokrasi.
d Ho kgothaletswe batho hore ba ithute dipuo tsa Afrika Borwa, haholoholo dipuo tsa kwano.
e Mehato ya phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata e lokela ho nkela hloohong ditakatso, ditlhoko le ditabatabelo tsa bohle ba amehang mme le seabo sa bona ditabeng tsa puo se lokela ho kgothaletswa.
f Ho tshwanetse hore hobe le kgokahano ya mebuso le maano a kgemang mmoho, melao le mehato e amanang le boikatelo le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata.
Tlhalosong ya temana ya Molao ona, motho e mong le e mong, lekgotla la dinyewe kapa lekgotla le tla kgetha tlhaloso efe kapa efe e utlwahalang e tsamaelanang le maikemisetso a Molao wa motheo le Molao ona ho tlhaloso efe kapa efe e nngwe e sa tsamaelaneng le maikemisetso jwalo ka ha a fuperwe karolong ya 2.
Molao ona o tla tliswa pele ho ditemana tse sa tsamaelaneng tsa Molao ofe kapa ofe o mong o mabapi le tshebediso ya puo, ntle le Molao wa motheo.
Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa le hlomamisitsweng ho latela Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa wa 1955 Molao wa nomoro ya 59 wa 1995; le na le moo le haellang teng kapa le a nyediseha.
Tshebediso le mehato kaofela e nkilweng phethahatsong ya teng e tla netefatsa hore dipuo di tshwerwe ka ho lekana le hore ho na le tekano ya tlhompho ya dipuo tse amehang.
Tlatsetsong ya sepheo karolong ya 7 b, le ho latela dipallo tsa karolwana ya 5, ditokomane tsa mmuso di tla fumaneha ka dipuo kaofela tse 11 tsa molao, mme moo ho sa kgoneheng, mafapha a mmuso wa naha a tla phatlalatsa ditokomane tseo ka nako e le nngwe ka bonyane dipuo tse tsheletseng tsa molao. Kgetho ya dipuo e tla sebetsa ho latela ka moo ho hlalositsweng ka teng karolwaneng ya 3a le ho ya ka motheo wa potoloho wa mekgahlelo e mmedi ya dipuo tsa molao karolwaneng ya 3a V & VI, ntle le moo lekala la mmuso le tshwanelehileng kapa mokgatlo o mong o ka bontsha hore ho a hlokeha ka tsela e utlwahalang hore ho latelwe leano le leng molemong wa tsamaiso e sebetsang hantle kapa molemong wa kgokahano ya puisano a Dipuo tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 2 ke?
a le tla amohelwa le ho phethahatswa ka ditherisano le Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa; mme le b kgeme le dipallo tsa dikarolo tsa 63a le 30 tsa Molao wa Motheo.
b mesebetsing ya molao, ya phethahatso le ya makgotla a dinyewe ya mmuso boemong ba provense le ba selehae, ha feela maemo a ditaba a lebatowa le a selehae a tla fumana kananelo e loketseng ha mmoho le mabaka ao ho buuweng ka ona serapeng sa a c mekgatlo kapa dibopeho tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 41b moo ho tshwanelehileng le haeba sebopeho, sepheo le mesebetsi ya mokgatlo o jwalo ele dintho tse fumanang kananelo e loketseng tabeng ya ho tsepamisa leano le tshwanetseng la puo.
b nehelana kgafetsa ka meralo ya nako eo ka yona Bili ena kapa karolo efe kapa efe ya yona e tla lokela hore e phethahatswe; le c nkela hloohong, ka nako e utlwahalang, mekgwa yohle, ho kenyeleditswe ditlhahiso tsa ditokiso tsa Bili, tse tla netefatsa tshebediso ya Bili mekgatlong ya poraefete e nehelanang ka ditshebeletso tsa bohlokwa tsa setjhaba.
a lefapheng le leng le le leng la mmuso wa naha; le b provenseng e nngwe le e nngwe ho latela molao wa provense o etsang monyetla wa phethahatso ya Bili ena.
Mebuso ya diprovense e tla nka mehato e hlokehang ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba mebuso ya selehae ho ikamahanya le dipallo tsa Molao ona le tsa molao wa motheo tse itshetlehileng puong.
Moo ho seng ho ntse ho na le yuniti boemong bofe kapa bofe ba mmuso eseng e ntse e amana le ditaba tsa puo, lefapha le loketseng kapa provense e loketseng le ka abela yuniti e jwalo matla le mesebetsi e hlokehang bakeng sa ho phethisa boitlamo ba yona ho latela Molao le Molao wa motheo.
kgokahano ya puisano e ngotsweng le setjhaba; le v kgokahano ya puisano ya matjhaba moo ho loketseng teng.
e etsa dintlho tsohle leha e le tse nang le seabo se senyenyane kapa tse hlokehang ho phethahatsa ka tsela e nepahetseng boitlamo boo ho buuwang ka bona dirapeng tsa a ho isa ho sa d.
c hlomamisa metheo e metjha le mananeo a ntshetsopele ya dipuo tsena, le d tshehetsa merero ya diprojekte tsa mose wane ho meedi tsa ntshetsopele ya dipuo tsena lebatoweng la Afrika e ka Borwa.
a moo ho tshwanelehileng le moo ho hlokehang hore ho phethahatswe hantle Molao ona le ho qoba phetapheto ya mesebetsi le ditshebeletso, di tla buisana le ho sebedisana le mekgatlo efe kapa efe e meng ya setjhaba kapa ya poraefete, sebopeho kapa tshebeletso e nang le mehlodi e hlokehang le bokgoni ba ho thusa phethahatso e phethahetseng ya Molao ona, mme b di ka tlabola dilekane tsa tumellano le motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo ofe kapa ofe bakeng sa ho finyeletsa ditshebeletso kapa sehlahiswa, ho etsa dipatlisiso tse tla thusa phethahatsong ya Molao ona, tsa ntshetsopele ya dipuo tsa Afrika Borwa, kapa ntlafatso kapa theknoloji e loketseng ho thusa ntshetsopeleng le tshebedisong ya dipuo tsa Afrika Borwa.
Yuniti ya puo e tla fana ka pehelo selemo se seng le se seng?
c Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa le ka nka bohato bofe kapa bofe bo etseditsweng monyetla karolong ya 81b ho isa ho ya d ya Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa, Molao wa nomoro ya 59 wa 1995.
e moo ho hlokehang, ho tla sebetsanwa le taba efe kapa efe e nngwe e ka kenyang letsoho ntshetsopeleng ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Pehelo e nngwe le e nngwe eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolo ena e tla nkelwa hloohong ka tsela e loketseng ke lekala le loketseng la mmuso ha ho nkuwa mehato e latelang ya phethahatso ya Molao ona.
Dipallo tsa dikarolo tsa 5 le 7 moo ho loketseng, di tla sebetsa kgethong ya dipuo moo ho tshwanetseng hore ho nehelanwe ka dipehelo ho latela karolo ena.
Motho ofe kapa ofe ya ikemetseng kapa a emetse motho e mong, mokgatlo wa batho kapa sebopeho se emetseng ditho tsa sona kapa ditho tsa sehlopha sa puo kapa lekala lefe kapa lefe la mmuso le a etsa kopo Lekgotleng la dinyewe ya tharollo kapa pheko e loketseng ho latela karolo ena.
Kopo e ka etswa tlasa karolwana ya 1 e amanang le tlolo efe kapa efe e bolediswang kapa eo ho tshoswang ka yona ka taba ya tlolo ya tokelo ya puo, leano la puo kapa tshebediso ya puo e tswalwang ke?
b tlhokeho ya boikamanyo le kgothaletso, se fumanweng kapa qeto ya Lekgotla la Dipuo tsohle sa Afrika Borwa e mabapi le Molao ona.
h taelo e loketseng ya ditshenyehelo tse mabapi le lehlakore lefe kapa lefe le nyeweng.
Ha ho letho karolong ena le kgelohang tokelong ya bohato bofe kapa bofe boo motho a ka bo nkang ho feta tokelo ya bohato e tsepamisitsweng karolong ena.
Dinyeweng tse bang teng tlasa karolo ena tse amanang le tletlebo e tobisitsweng lekaleng kapa mokgatlong oo Molao ona o lokelang ho sebetsa ho ona, Lekgotla la dinyewe le ka amohela lesedi le amanang le tletlebo efe kapa efe tlasa Molao ona kapa Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa wa 1995 Molao wa nomoro ya 59 wa 1995 e le bopaki mabapi le lekala leo kapa mokgatlo oo.
Moo Lekgotla la dinyewe le nang le maikutlo a hore kopo ho latela karolo ena e hlahisitse motheo wa bohlokwa o motjha mabapi le Molao ona, Lekgotla la dinyewe le ka laela hore ditshenyehelo di abelwe molli leha molli a sa ka a atleha sephethong.
c khoutu ya puo ya bahlanka ba setjhaba, ka morao hoba le rerisane le Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso;le d mekgwa efe kapa efe e tla thusa ho etsa bonnete ba hore Molao ona o qobellwe ho sebetsa hantle.
Molawana ofe kapa ofe o amanang le ditjhelete kapa o ka tswalang hore mmuso o sebedise tjhelete, o lokela hore o etswe ke Letona le sebetsang ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Molao ona o tla bitswa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa wa 2003 mme o tla qala ho sebetsa ka letsatsi le tla behwa ke Presidente ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Bohlahlobi ba Bophelo.txt</fn>
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) ke eng?
Indasteri ya merafo Afrika Borwa e na le seabo se seholohadi moruong ka kakaretso. Ka selemo sa 2000, tlhahiso ya merafong e entse nyehelo e fetang 60% ho Tlhahiso e Kgolwane ya ka Hara Naha (Gross Domestic Product GDP). Ho feta moo, tlhahiso ya mashala e fana ka mohlodi wa mantlha wa eneji e sebediswang ke indasteri ya ho fehla motlakase Afrika Borwa, mme yona ke moromedi e moholo wa eneji kantle ho naha. Ka hodima moo, dihlahiswa tsa tshepe le tseo e seng tsa tshepe di na le seabo se seholohadi indastering ya kaho mme di tshehetsa kaho le paballo ya popeotheo ya sebele ya naha ena?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ikarabela ka tshireletso ya bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ba merafong le batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong. Bo phehella ho fokotsa diketsahalo tsa ho tswa kotsi le ho kula mosebetsing mme ka hoo he, bo hlwaile diphepetso tsa bophelo bo botle le polokeho mosebetsing tse tjamelaneng le indasteri ya merafo.
Ho boima ho lekanya le ho laola sekgahla ho bophelo bo botle mosebetsing kaha boholo ba ditlamorao ho bophelo bo botle e se tsa hang hang. Mafu a matshwafo a hlahileng mosebetsing mmoho le tahlehelo ya kutlo e bakilweng ke lerata mosebetsing ke dintlha tse pedi tsa bohlokwa ho tsa bophelo bo botle mokgeng wa merafo tse hlahang ka lebaka la kgahlamelo ya nako e telele ho tshilafalo le lerata.
Mokga wa merafo ya kgauta e sa ntse e le wona mohiri e moholo indastering ya merafo mme kahoo he, basebetsi ba mokga ona ba kotsing e kgolwane ya mathata a phefomoloho papisong le ditshebetso tse ding tsa merafo. Lefu le kgathatsang haholo la matshwafo le hlahang mosebetsing wa merafo ya kgauta ke silikhosis, mme lona le hlaha mefuteng yohle ya merafo ya mafika a thata, ho etswa ha ditonele, dikwari le ho ripitlwa ha mafika, moo ho hlahiswang dikarolwana tsa silikha e dithollo. Ka bobedi kgahlamelo ya silikha le silikhosis ke dintho tse ka bakang lefuba. Silikhosis e boetse ke ntho e kgathatsang haholo merafong ya mashala.
Lerata le nnile la amohelwa ka ho eketsehileng jwalo ka kotsi e kgolohadi ya bophelo bo botle bakeng sa basebetsi indastering ya merafo Afrika Borwa. Indasteri ena e ile ya hlahisa mananeo a paballo ya kutlo ka 1988, hobane mekgwatshebetso e batlang basebetsi ba bangata haholo e tlwaelehileng ditshebetsong tse ngata tsa ho rafa le ho sebetsa diminerale e ne e ba le sephetho sa hore palo e kgolo ya batho e kgahlamelwe ke lerata le ka nnqane ho le amohetsweng semolao jwalo ka le bolokehileng la 85 dB.
Leha ho na le mehato ya mananeo a paballo ya kutlo, boenjinere ba taolo ya lerata ho laola kotsi e ka hlahang, bothata bona bo sa ntse bo le boholo haholo. Ho akangwa hore ke dipersente tse pakeng tsa 68 le 80 tsa basebetsi ba merafong ba kgahlamelong ya palohare ya nako e etsang 85 dB kapa ho feta, mme sena se bontsha kotsi e kgolohadi ya tahlehelo ya kutlo bakeng sa bongata ba basebetsi indastering ena.
Diphepetso tse ka sehloohong tsa polokeho mosebetsing di merafong ya kgauta le polatinamo. Dilemong tse mmalwa tse fetang, merafo ya polatinamo e nnile ya eketseha ka ho bonahalang, mme e theha mesebetsi e mengata. Ka bomadimabe, sena se ekeditse sekgahla sa ho tswa dikotsi. Ditlwaelo tsa ha jwale di bontsha hore thupelo le ho lebelwa ha basebetsi mokgeng wa polatinamo ke dintho tse saletseng morao papisong le kgolo ya indaseterei ena.
Indasteri ya merafo ya kgauta e na le seabo se ka sehloohong dikotsing tse amanang le merafo, haholoholo ka lebaka la basebetsi ba bangata le jioloji. Leha e le hore ho nnile ha ba le phokotseho ya basebetsi merafong ya kgauta dilemong tse mmalwa tse fetang, phokotseho ena ha e bonahale ntlafalong ya polokeho nakong e tshwanang. Leha e le hore diphapang tse bonahalang di ka hlaha ka lebaka la mefuta ya ho rafa e phethwang ekasita le diphapang tse keneletseng tsa maemo a kotsi a merafo, maemo ana a kotsi a merafo a hloka ditaolo tse kgolwane le tse sebetsang hantle.
Dipalopalo di bontsha hore diketsahalo tsa ho heleha ha mafika di dula e le mokgahlelo e moholohadi wa dikotsi le sesosa se ka sehloohong sa batho ba hlokahalang merafong ya Afrika Borwa. Tahlehelo ya maphelo le palo ya dikotsi tse mpe tse hlahang ha jwale indasetereing ena ke dintho tse ka fokotswang haholo feela ka ho kgetha le ho kenya tshebetsong ditekgeniki tse teng tse loketseng tsa taolo le ho netefatsa hore ho bolokwa ka mafolofolo maemo a hodimo a taolo ya boemo.
Tshebetso ya polokeho merafong e menyane le yona ke ntho e kgathatsang hobane sekgahla sa yona sa dikotsi ke se phahameng haholo. Thupelo e haellang le mehlodi ke dintho tse hlwauweng jwalo ka sesosa. Boramosebetsi mokgeng ona ba hloka thuso ho netefatsa hore ho ba le polokeho merafong mme ho na le matsapa a fapafapaneng a tswelang pele ho fana ka tshehetso e hlokehang. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo tshehetsa matsapa a haolang le mokga ona a jwalo ka ntshetsopele ya merafo e menyane. Qetellong, bohlahlobi bo ameha matsapeng a ho lwantshana le HIV/AIDS. Bo tshehetsa matsholo a ho tlisa temoho le diprojeke tse tobisitsweng ho fokotseng boteng bo eketsehileng ba HIV/AIDS indastering ya merafo. Bohlahlobi bo boetse bo tsamaisa Komiti ya Mekga e Meraro ya HIV/AIDS mokgeng wa merafo.
Leha e le hore diphepetso tse tjametseng mokga wa merafo e le tse ngata le tse fapafapaneng, mokgwa o matla wa ba amehang o akaretsang basebetsi le boramosebetsi le mmuso, o fana ka motheo o matla oo ho ka sebeletswang hodima wona.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke eng?
Lefapha la Diminerale le Eneji le fana ka taolo e phethahetseng ya di-indasteri tsa diminerale le eneji mona Afrika Borwa ho netefatsa hore ho na le kgolo ya moruo le ntshetsopele. A mang a maikemisetso a Lefapha ke ho netefatsa hore di-indasteri tsena ke dibaka tsa tshebetso tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo phetha mesebetsi ena lebitsong la Lefapha la Diminerale le Eneji, mme ke bona bo tadinngweng ka ho ka sehloohong phatlalatsong ena.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ne bo thehwe ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi le batho ba bang merafong. Ponelopele ya bona ke ho phethahatsa maikarabelo a bona seprofeshenale, ka ho sebetsang hantle le ka bokgabane ho tsamaisana le maemo a merafong a bophelo bo botle le polokeho a amohelehileng mona lapeng le a ka bapiswang le a dinaha tsa matjhaba.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, bo eteletsweng pele ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, bo na le kantoro e le nngwe ya naha le tse robong tsa mabatowa. Dikantoro tsena di wela tlasa taolo ya Ditsha tse fapafapaneng tsa Bolaodi bo ka Sehloohong.
Mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho hlahloba merafo, ho fuputsa le ho tshwara dipatlisiso ka dikotsi le diketsahalo tse ding tsa bophelo bo botle le polokeho, le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (Mine Health and Safety Act MHSA), wa bo-29 wa 1996, oo thomo e ka sehloohong ya Bolaodi e hlahang ho wona. Matla a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong a ho netefatsa ho latelwa ha Molao a kenyeletsa ho ntshuwa ha ditsebiso tsa phethahatso kapa tsa ho kwalwa, ho behwa ha dikotlo tsa tsamaiso le ho kgothaletswa ha botjhutjhise?
Maikemisetso a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho netefatsa hore diminerale di rafshwa ka polokeho tlasa maemo a tshebetso a nang le bophelo bo botle.
Ho thehwa ho ntlafetseng ha melawana ka mora ditherisano tse batsi le bohle ba amehang indastering.
Tshebedisano ya bomphato ba mekga e meraro, tekodisiso ya dikotsi, tekanyo e yang ka leano, dihlahlobo tsa semolao le tsa tlwaelo, diphuputso le dipatlisiso, ke dintho tseo e leng tsa mantlha tshebetsong e kgabane ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Leha ho le jwalo, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo hloka thuso ya setjhaba sohle sa tsa merafo hore bo fihlelle dipheo tsa bona hobane bo molemong wa bohle.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) ke eng?
MHSA ke kgutsufatso e emetseng Mine Health and Safety Act, 29 of 1996 (Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, wa bo-29 wa 1996 Molao). Ke motheo wa semolao wa ho laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing indastering ya merafo Afrika Borwa?
Ebe dikamano ke dife pakeng tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke wona o thehileng Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Bona bo eteletswe pele ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (Chief Inspector of Mines CIOM), ya nang le boikarabelo ba ho ntshetsa pele le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Ke hobaneng ha re hloka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Basebetsi ba merafong ba kgahlamelong ya dikotsi tsa lerata, ho thothomela ha lefatshe, motjheso le mohatsela, kgatello ya mesebetsi e phetaphetwang, dikhemikhale tse kotsi, disebediswa tse nang le mahlasedi a kotsi, mmoho le maemo a ka bang a kotsi a kgase le lerole la mashala. Ba tshwarwa ka ho sa lekaneng ke ditahlehelo tsa kutlo, silikhosis, nyomokhoniosis, lefuba, lefu le bakwang ke asebesetose le kankere ya matshwafo.
Ba monyetleng wa ho hahlamelwa ke dikotsi tse jwalo ka ho heleha ha mafika, mekgwa ya dipalangwang le metjhine e tsamayang, le kgase e ka tukang mmoho le lerole la mashala. Dintho tsena di nka maphelo a batho selemo le selemo. Kahoo he, ke ha bohlokwa haholohadi hore ho laolwe bophelo bo botle le polokeho mosebetsing merafong ya Afrika Borwa ka mokgwa wa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le melawana ya wona.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o ne o qale hokae?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, wa bo-29 wa 1996 o ne o nke sebaka sa mokgwa o neng o laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing, oo wona o neng o itshetlehile ka Molao wa Merafo le Mesebetsi wa bo-3 wa 1911. Wona o ne o latelwe ke Molao wa Merafo le Mesebetsi wa bo-3 wa 1956, o ileng wa hlakolwa ka 1991. Taolo ya bophelo bo botle le polokeho merafong e ile ya kenyeletswa Molaong wa Diminerale wa 1991. Molao ona o ne o sebetsana le dintlha tsohle tsa taolo ya diminerale. Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o hlahile ho tswa ho tshebetso e keneletseng ya tekodisiso botjha ya leano e ileng ya qala ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon. Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o nnile wa ba tshebetsong ho tloha ka la 15 Pherekgong 1997.
Ebe Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ke eng?
Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon hodima polokeho le bophelo bo botle indastering ya merafo e ne e eteletswe pele ke Moahlodi ya Kgabane R.N. Leon. Sepheo sa yona e ne e le ho fuputsa dintlha tsohle tsa taolo e molaong ya bophelo bo botle le polokeho indastering ya merafo le ho etsa ditshisinyo ho Mopresidente wa Naha. Tsona di ne di kenyeletsa dintlafatso melawaneng e neng e le teng le ho kengwa tshebetsong ha yona papisong le maemo le seemo sa matjhaba se neng se le teng indastering. Khomishene ena e ne e kgethwe ka Mmesa 1993. E ile ya tshwara diboka tsa ho mamela bopaki ka Phato le Loetse 1994, mme ya phatlalatsa tlaleho le dikgothaletso ka mmesa 1995.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke jwang o batlang ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi le batho ba bang merafong?
tiisa tokelo ya ho hana ho sebetsa maemong a kotsi; le phethahatsa maitlamo a molao wa batho wa matjhaba wa Afrika Borwa.
Ebe ditlhapiso tsa basebetsi bakeng sa ho tswa dikotsi mosebetsing le tsona di laolwa ke molao ona?
Mabapi le Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ebe ho na le melao e meng e sebetsang indastering ya merafo?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, oo e leng wona molao o ka sehloohong wa ho laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing merafong, o neha Letona matla a ho hlahisa popeotheo ya bolaodi. Dintlha tse ka sehloohong tsa yona ke ditaelo, mmoho le ditataiso bakeng sa mekgwa e tlamang ya tsamaiso. Popeotheo ya taolo e hlahisitswe ho fihlella maikemisetso a Molao le ho bea ditlhoko tsa wona. Ho ya ka karolo ya 80 , Letona le ka nna la sebedisa melao e meng merafong ka mora ditherisano le Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le ho hlahisa sena Koranteng ya Mmuso. Ka ditherisano le Letona la Bophelo bo Botle mmoho le Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, Letona le ka boela la kenyeletsa Shejule ho Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho fanyeha kapa ho fetola tshebetso ya Molao wa Malwetse a Mosebetsing Merafong le Ditshebetsong (Molao wa bo-78 wa 1973), ntle feela le mabapi le ho behwa kapa ho lefuwa ha ditlhapiso. Ho na le Melao e meng e sebetsang indastering ya merafo, ho tea mohlala, Molao wa Metsi le Molao wa Diqhomane. Leha ho le jwalo, yona e wela kantle ho matla a phatlalatso ena.
Ebe ditokelo le maikarabelo a batho ba sebetsang merafong ke afe?
Molao ona o tiiselletsa ditokelo tsa motheo tsa basebetsi tse amohetsweng lefatsheng ka bophara sedikadikweng sa bophelo bo botle le polokeho. Tsona ke tokelo ya ho ba le seabo bophelong bo botle le polokeho, tokelo ya ho fumana tlhahisoleseding ya bophelo bo botle le polokeho, tokelo ya ho fumana thupelo le tokelo ya ho ikgula kotsing sebakeng sa tshebetso. Dipehelo tse keneletseng di lokisetsa ho kgethwa le ho sebetsa ha baemedi ba bophelo bo botle le polokeho le dikomiti merafong. Molao ona o bea maikarabelo a bohlokwa haholo ho basebetsi kapa batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo qadile jwang le neng?
Bo ile ba thehwa ka mora dikgothaletso tsa Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ho maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong ya Afrika Borwa . Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (wa bo-29 wa 1996) o ile wa theha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho jwalo ka ejensi e ka thoko ya tsamaiso ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji.
Ke hobaneng ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho e le lekala le ka thoko?
Khomishene ya Leon le mekgatlo e neng e na le thahasello e ileng ya etsa ditshwaelo dipatlisisong, di ne di na le boikutlo ba ntsweleng ba hore bohlahlobi ba nako eo ba merafo bo ne bo hlwilwe setha ke mesebetsi e meng e neng e sa amane le bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi. Ho ile ha etswa kgothaletso hore ho thehwe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ka tsepamisetso e ikgethang ho ditaba tsa bophelo bo botle le polokeho merafong.
Ntle le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o theha ditsha tse ding hape?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o theha ditsha tse hlano tsa semphato sa mekga e meraro?
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong (MQA).
Ditsha tsena tsa boemedi tsa semphato sa mekga e meraro di ne di thehwe ho kgothaletsa tlwaelo ya bophelo bo botle le polokeho, ho hlahisa melawana le ho bea leihlo hodima diphuputso ka bophelo bo botle le polokeho. Setsha sa pele, Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, se eletsa Letona ditabeng tsa bophelo bo botle le polokeho ka Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, ha dikomiti tse nyane tse tharo tsa nako tsohle, Komiti ya Boleetsi ka Taolo Merafong, Komiti ya Boeletsi ka Bophelo bo Botle sebakeng sa Mosebets Merafong mmoho le Komiti ya Boeletsi ka Diphuputso tsa Polokeho Merafong, di eletsa Lekgotla mabapi le melawana, bophelo bo botle mosebetsing, mmoho le diphuputso mabapi le bophelo bo botle le polokeho ka ho hlahlamana.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong ho hlokeha hore bo eletse Letona hodima ditaba tsa thupelo le thuto, le ho hlahisa maemo a thuto le thupelo ho latela Molao wa Ntshetsopele ya Botsebi.
Ntshetsopele le ho tlisa diphetoho indastering ya merafo.
Indasteri ya merafo e bolokehileng, e nang le bophelo bo botle, e nang le tlhahiso le e nang le tlhodisano.
Ntshetsopele ya phihlelleho ya thuto le thupelo tsa boleng bakeng sa bohle.
Ho lokiswa ha ho se lekalekane ha nako e fetileng thutong le thupelong.
ho hlahisa Maemo le Mangolo a Thuto a Beilweng bakeng sa Mokga.
ho boloka Boleng ba Maemo, Mangolo le Phumantsho ya Thupelo.
ho hlahisa le ho kenya Moralo wa Botsebi wa Mokga tshebetsong.
ho aba dithuso ho tswa ho Letlole la Tefiso ya Ntshetsopele ya Botsebi.
ho theha, ho ngodisa, ho tsamaisa le ho kgothaletsa Tsamaiso ya Mananeo a Baithuti le Boithutwana.
Ebe lereo lena semphato sa mekga e meraro le akaretsa eng?
Le hlalosa ba amehang ba tsamaisang ditsha (mmuso, mekgatlo ya basebetsi le boramosebetsi) mmoho le seabo sa bona ho ralweng ha melao le ho etsweng ha diqeto. Diqeto tse etswang ka kopanelo kapa ka mora ditherisano le ba amehang ka kakaretso di tla ba le monyetla o moholwanyane wa ho amohelwa jwalo ka tse molaong.
Ebe maemo a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke bofe ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji?
Lenaneo la Kgothaletso ya Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale tlasa maemo a nang le bophelo bo botle a ho sebetsa, ha Lenaneo la Ntshetsopele ya Diminerale le kgothaletsa ho rafshwa le ho sebediswa ho nang le tlhophiso e ntle le ho tswelang pele ha mehlodi ya diminerale. Qetellong, Lenaneo la Tsamaiso ya Eneji le ntshetsa pele mehlodi ya eneji le ho kgothaletsa tshebediso e phethahetseng ya yona.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo etsa eng ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji?
Lefapha le Diminerale le Eneji le tadima Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong jwalo ka bo kenyang letsoho ho a mararo a maikemisetso a lona a ka sehloohong.
Ho laola di-indasteri tsa diminerale le eneji ho ba ditikoloho tsa tshebetso tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle.
Ho rala le ho kenya tshebetsong leano le akaretsang la diminerale le eneji ho netefatsa hore mehlodi ya diminerale le eneji e sebediswa ka ho phethahala.
Ho lokisetsa indasteri ya diminerale le eneji ho lokela tlhodisano ya dinaha tsa matjhaba.
Ho kenya letsoho ho ntshetsopele e sebetsang hantle le e ka bolokwang e tswella ya mehlodi ya diminerale le eneji.
Ho lokisa ho se lekalekane ha nako e fetileng le ho kgothaletsa kabo botjha e nang le tekatekano ya melemo ho tswa thekisong ya mehlodi ya diminerale le eneji.
Ka lebaka la sena, ho ka nna ha thwe Bohlahlobi jwalo ka karolo ya Lefapha la Diminerale le Eneji bo na le boikarabelo bo itseng ba ho hlokomela maikemisetso a mmuso a moruo ho boloka di-indasteri tsa diminerale le eneji tse kgabane le tse nang le tlhodisano.
Ebe ke hobaneng ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e le ba bohlokwa?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo qobella ho kenngwa tshebetsong ha melao. Kahoo he, le bona e ntse le ba bohlokwa jwalo ka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong kaha boleng ba melao e metle bo atisa ho lahleha haeba mmuso o hloleha ho fana ka matla a sebetsang hantle a ho kenya tshebetsong.
Ebe dipheo tsa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke dife?
bo bea leihlo hodima maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong, mme bo ba le seabo ho behweng ha maemo le ho hlahiswa ha melao ke dinaha tsa matjhaba mme bo netefatsa hore ho tsamaisanwa le ditlameho tsa Afrika Borwa tsa molao wa matjhaba tse mabapi le bophelo bo botle le polokeho.
Ebe mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke efe?
Mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho hlahloba merafo, ho fuputsa le ho tshwara dipatlisiso hodima dikotsi le diketsahalo tse ding tse amanang le bophelo bo botle le polokeho le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao.
Ka hodima dihlahlobo tse tlwaelehileng tsa ka mehla tsa merafo, ebe ke eng seo Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho hlokehang hore bo se etse?
fane ka dipalopalo tse nepahetseng tsa dikotsi; mme thusa ho behweng ha ditefiso tsa lekgetho.
Ebe mesebetsi e ka sehloohong ya ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke efe?
Ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e na le seabo sa tataiso ka ho tsamaisa, ho laola le ho hokahana le Dikantoro tsa Mabatowa. Ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong eo boetse e ikarabela bakeng sa ho hlahisa maano le melao mme bo hlahisa Dikhoutu tsa Tsamaiso, ekasita le ditokomane tse ding tsa tataiso bakeng sa indasteri.
Ebe maemo a Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo ke afe?
Molao o neha Letona matla a ho kgetha Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo jwalo ka mohlanka ya phahameng ka ho fetisisa ka hara Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo o phetha mesebetsi ya semolao tlasa taolo le tataiso ya Letona.
netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao le hore o kenngwa tshebetsong tsamaisa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bea le ho kenya tshebetsong maano a ho kgothaletsa bophelo bo botle le polokeho indastering ya merafo eletsa Letona hodima bophelo bo botle le polokeho merafong lokisa tataiso bakeng sa dikhoutu tsa tsamaiso merafong phatlalatsa moralo wa selemo le selemo bakeng sa mesebetsi ya Bohlahlobi bokella, sebetsa le ho phatlalatsa tlhahisoleseding e mabapi le bophelo bo botle le polokeho merafong phetha tlaleho ya selemo le selemo hodima mesebetsi ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bakeng sa Letona.
Ebe mesebetsi ya Ditsha tsa Bolaodi bo ka Sehloohong ke efe?
Ditsha tse tharo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong jwalo ka ntlokgolo, ka tshebedisano le Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, di ikarabela ka ho hlahisa tataiso e akaretsang, ho rala le ho laola mananeo a Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ekasita le ho theha leano bakeng sa maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong.
Batlatsi ba bararo ba Bahlahlobi ba ka Sehloohong ba Merafo ba laola bophelo bo botle le polokeho merafong ya dihlahiswa tse kgolo ka ho fetisisa ka Bolaodi ba Kgauta le Polatinamo, Mashala le Dirafshwa tsa Mabopong le Merafo e Meng. Ditsha tse tharo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong di boetse di na le dikantoro tse robong tsa mabatowa tlasa tsona hore di di tsamaise, di di laole le ho hokahana le tsona. Bolaodi bo Ikgethang ba Polokeho Merafong, Disebediswa tsa Merafong, Bophelo bo Botle Mosebetsing, Meriana Mosebetsing le Tekolo ya Lefatshe le bona bo wela tlasa Bolaodi bona.
Ebe Bolaodi bo ka Sehloohong (dihlahiswa tse kgolo) bo bapisana jwang mabapi le tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho?
Manane ana a fumanwe ho Mokomishenara wa Ditlhapiso.
palohare ya nako e lekantsweng (Time Weighted Average - TWA) ke ho loella ha sesilafatsi ho lekangwa ka mg/m hoo mosebetsi a leng kgahlamelong ya hona mme ho arolwa ka Moedi wa Kgahlamelo Mosebetsing o lekangwa ka mg/m jwalo kaha ho beilwe ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo?
Indasteri ya ho rafa kgauta e na le seabo se seholo haholo dikotsing tse amanang le merafo ka lebaka la palo ya basebetsi ba yona mmoho le jioloji. Dibaka tse ngata tsa tshebetso di fumaneha dimitara tse fetang tse 3000 ka tlasa bokahodimo ba lefatshe mme ha ho rafa ho ntse ho teba, haholoholo nakong e telele e tlang, ho phatloha ha mafika ho tshwanetse ho ama bobe ba dikotsi.
Ho feta moo, dikhampani tsa merafo ka ho eketsehileng di sekaseka ho rafa dibakeng tseo ho tla fihla ha jwale di neng di se na molemo wa moruo bakeng sa merafo. Tsona di kenyeletsa dipilara tsa in-situ tse tummeng hampe ka ho ba le monyetla o moholwanyane wa dikotsi tse amanang le ho epolla. Bokahodimo bo petsohileng haholo, dikgatello tse phahameng tsa mafika mmoho le mathata a amanang le tsamaisa phallo ya moya sebaka se selelele ka hara dibaka tse rafuweng, ke a mang a mathata ao ho atisang ho kopanwa le ona merafong ya kgauta.
Leha e le hore ho tswa kotsi hang hang kapa lefu la hang hang e le sephetho se tshajwang ka ho fetisisa ditshebetsong tsa merafo ka kakaretso, phumantsho ya selemo le selemo ya mangolo a ho tshwarwa ke nyomokhoniosis mmoho le diketsahalo tse ntjha tsa lefuba basebetsing ba merafo ya kgauta e feta palo ya selemo le selemo ya ho tswa dikotsi ho tlalehilweng bathong bana. Haesale ho utlwisiswa hore ho hema silikha le lefu la silikhosis ke dintho tse hodisang monyetla wa kotsi ya lefuba ho basebetsi ba merafong. Sewa sa HIV le sona se kenyeleditse sepheiso se kotsi ka ho eketsa monyetla wa kotsi ya ho ka kenwa ke lefuba ho basebetsi ba merafong ba nang le HIV. Lefu ha motho a ntse a le kalafong ya lefuba, lefu ka bolona kapa ho tswa ho ditshwaetso tse ding tsa HIV jwale e se e le sesosa se tlwaelehileng haholo sa mafu hara basebetsi ba sebetsang merafong ya kgauta mme se feta sekgahla sa mafu ho tswa dikotsing.
Ditlhapiso tse lefuweng bakeng sa mafu a matshwafo ho basebetsi ba boramosebetsi ba neng ba le indastering ya merafo ya kgauta di dula di le kahodimodimo tjhateng. Indasteri ya merafo ya kgauta ke mohiri e moholohadi wa basebetsi indastering ya merafo, mme ke kahoo e tshwanetseng ho ntlafatsa maemo a tshebetso ho fana ka tikoloho e nang le bophelo bo botle bakeng sa basebetsi ba yona. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo bapala karolo e ka sehloohong ho thibelweng ha malwetse a nako e telele ka dihlahlobo le ho kenngwa tshebetsong ha Molao le melawana ya wona.
Bo bong ba bothata bo tlwaelehileng le bo boholohadi boo ho teanwang le bona ke tahlehelo ya kutlo e bakwang ke lerata. Ka lebaka la palo e kgolo ya basebetsi ba yona, merafo ya kgauta e na le palo e kgolo ya basebetsi ba monyetleng wa ho hahlamelwa ke maemo a phahameng a lerata. Kgahlamelo ena e baka temalo diseleng tse hlokolosi tsa moriri tse ka hara tsebe ekasita le methapokutlong ya tsebe. Tahlehelo ya kutlo e bakilweng ke lerata e ka thibelwa ka tshebediso ya kgafetsa ya disireletsakutlo tse jwalo ka dipolaka tsa ditsebe kapa di-iyemafo.
Bothata bo bong ba bophelo bo botle mosebetsing bo amangwang le merafo ya kgauta ke mahlasedi a radieishene. Mafika ohle le mefuta ya lefatshe e na le dikarolwana tsa mahlasedi a tlhaho a radieishene, yuraniamo le thoriamo. Boteng ba tsona dibakeng tseo batho ba dulang ho tsona, hammoho le maqhubu a radieishene sepakapakeng a kenang lefatsheng hammoho le dikarolwana tsa mahlasedi tse fehlwang ke phatlalatso ena ya mahlasedi haesale e le mohlodi wa kgahlamelo ya mahlasedi a radieishene bakeng sa batho.
Mesebetsi e akaretsang mehlodi e tala ya tlhaho, haholoholo tshebetso ya merafo le diminerale, di boetse tsa eketsa kgahlamelo ya mehlodi ya tlhaho ya mahlasedi a radieishene. Ho loella ha yuraniamo mmoho/kapa le thoriamo mafikeng a nang le kgauta ho batla ho phahame ho ena le maemo a yona a akaretsang bokahodimong ba lefatshe. Yuraniamo le thoriamo ka dinako tse ding di atisa ho rafshwa jwalo ka dihlahiswa tse tswang ha ho rafshwa kgauta.
Sena se bea merafo ya kgauta kotsing e kgolwanyane papisong le merafo e meng. Diketsahalong tse ding, dikgahlamelo tsena tse eketsehileng ke tse kgolo mme ho tshwanetse di laolwe hore ho sireletswe bophelo bo botle ba basebetsi le setjhaba. Ho boetse ho na le mahlasedi a radieishene a bakwang ke ditshebetso tsa merafo mmoho le dipolanta tsa ho rafa tshepe.
Karolo ya radieishene ka hara Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing e ne e thehwe ho laola radieishene ena. Leha ho nnile ha ba le phokotseho e bonahalang ya basebetsi merafong ya kgauta dilemong tse mmalwa tse fetang, phokotseho ena ha e bonahale ntlafalong ya polokeho nakong e tshwanang.
Kahoo he, seabo sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho kengweng tshebetsong ha melao merafong ya kgauta ke sa bohlokwahlokwa ha jwale, empa se tla ba se hlokolosi haholo nakong e tlang ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le melao le ho ntlafatswa ha maemo.
Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta, tlhahiso ya polatinamo e ile ya eketseha ka ho bonahalang, mme sena se tsamaisane le keketseho e tshwanang ya palo ya basebetsi ba hiruweng. Ka bomadimabe, sena hape se nnile sa tsamaisana le keketseho palong ya dikotsi tse hlahang.
Ditshekamelo tsa boenjinere ba mafika di boetse di hlokolosi merafong ya polatinamo, moo ho helefa ha mafika ho bakang bongata ba dikotsi teng. Leha ho le jwalo, ho reketla ha lefatshe indastering ya polatinamo ha ho na seabo se seholo palong ya dikotsi tse amanang le mafika jwalo ka indastering ya kgauta. Ho reketla ha lefatshe ho ba haholoholo sebopehong sa ho qhoma ho seng hokae ha mafika.
Katoloso ya tlhahiso ya polatinamo e tsamaisana le tlameho ya boramosebetsi ya ho netefatsa hore ho ba le thupelo e loketseng. Lenane la dikotsi mokgeng ona le a nyoloha, mme sena se bontsha kgaello ya thupelo e lekaneng.
Keketseho ya dikotsi le mafu indastering ya merafo ya polatinamo e bontsha ka ho hlakileng hore Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo na le seabo sa bohlokwa boo bo tshwanetseng ho se bapala, se tlatselletswang ke tshehetso indastering.
Mokga wa merafo ya mashala ke o sebedisang metjhine haholoholo. Sena se bolela hore ke batho ba seng bakae ba hahlamelwang ke dikotsi tse ka nnang tsa ama bophelo ba bona bo botle le polokeho. Dikgahla tsa mafu mokgeng wa mashala di fokotsehile dilemong tsa morao tjena mme jwale di se di fihletse maemong a tshwanang papisong le maemo a matjhaba. Ena ke phihlelo eo re ka bang motlotlo ka yona mme phepetso e tjamelaneng le indasteri ya merafo ke ho ntlafatsa tshebetso ena.
Leha ho le jwalo, se kgathatsang ke dipersente tsa batho ba kgahlamelong e ka nnqane ya disilafatsi tsa moyeng. Kgahlamelo e tswelang pele e ka nnqane ho tswa ho disilafatsi tsa moyeng tse jwalo ka lerole la mashala e ka baka malwetse a matshwafo a jwalo ka nyomokhoniosis ya basebetsi ba mashaleng. Nyomokhoniosis ya basebetsi ba mashaleng e bakwa ke ho hema lerole la mashala le loelletseng haholo nakong e pakeng tsa dilemo tse 10 ho ya ho tse 15, mme qetellong e ripitla matshwafo ka faebrosis le emfaesema.
Di-indasteri tsa dirafshwa tsa mabopong tsa taemane le petroleamo Afrika Borwa di etsa hore diqwedi di be kgahlamelong ya maemo a kotsi a jwalo ka ho se bone hantle, mafika a tsamayang tlasa metsi, ho tshwaseha le ho tswa kotsi, ekasita le mefutafuta ya malwetse a ho qwela a jwalo ka lefu la kgatello e bohale le barotrauma ya pelong.
Mesebetsi ya dirafshwa tsa mabopong e boetse e kenyeletsa diprojeke tsa ho batlisisa. Diprojeke tsena di bontsha hore ho tshwanetse ho kengwe mehlodi e eketsehileng thutong le thupelong ya tsa mabopong kaha nakong e tlang batho ba eketsehileng ba tla hahlamelwa ke dikotsi tsa bophelo bo botle le polokeho haeba ho qadiswa ka ho rafa ditsheng tseo tsa ho batlisisa.
Merafo e meng e kenyeletsa di-indasteri tse nyane tsa merafo tse jwalo ka taemane, tshepe le khroumu, letsopa, lehlabathe le kalaka. Ho ya hodimo le tlase ha dikgahla tsa ho tswa kotsi le mafu bakeng sa merafo ena ho ka ba ho bakilwe ke palo ya ditshebedisano tsa kopanelo tse ntjha le tse nyane, mme sena ke sona lebaka la keketseho ya basebetsi ba hahlamelwang.
Dintlha tsa bophelo bo botle mosebetsing di boetse ke tse bakang ho kgathatseha ho hoholo merafong e meng. Asebesetose ho tea mohlala, e sa ntse e le bothata leha e le hore merafo ya asebesetose ha e sa sebetsa mona Afrika Borwa. E neng e le teng nakong e fetileng e nnile ya siiya lefa la dibaka tse sa hlabollwang tse hlabollwang ha jwale.
Leha ho le jwalo, ho sa ntse ho na le ho hongata ho tshwanetseng ho etswa ho netefatsa hore kgahlamelo ho tswa ho dikarolwana tsa asebesetose ho tswa ditshebetsong tsena tsa kgale e a fediswa kgabareng. Dikarolwana tsa asebesetose tse hemetsweng ka hare ha di kgone ho silwa ke mokgwatshebetso wa tshireletso ya mmele mme di baka mehwabadi le thuruho ya matshwafo. Ho topa hona le mehwabadi ena e thibela oksejene le khabonodayoksaete ho tsamaya ka hara metjha e menyane ya moya ya matshwafo ho kena phallong ya madi, mme ho phefomoloha ha ho hotle haholo. Tshebetso ena ya thuruho e tswela pele leha kgahlamelo ho dikarolwana tsa asebesetose e se e emisitse. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo tshwarahane le matsapa a keneletseng a ho netefatsa hore dibaka tsena di hlabollwa ka bokgabane.
Sepheo sa Bolaodi bo bong bo ka Sehloohong ba Merafo e Meng ke ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya batho ba angwang ke indasteri ya merafo Afrika Borwa ka ho boloka maemo a amohelehang ka hara naha le a ka bapiswang le a beilweng le a fihlellwang dinaheng tsa matjhaba. Le sebetsa le bohle ba amehang ba nang le seabo ho netefatsa hore melao, maano le ditekolo di kenngwa tshebetsong.
Ebe mesebetsi ya Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang ke efe?
Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang di ikarabela ka ho thusa dikantoro tsa mabatowa ho kenya tshebetsong maano a tsamaiso ho netefatsa hore ke a kgabane.
Bolaodi ba Polokeho Merafong haholoholo bo tshwarahana le ditekolo tsa maikutlo, le thusa ho fuputsweng ha dikotsi le ho fana ka tshehetso ya setekgeniki ho mabatowa le Ntlokgolo. Bo boetse bo ba le seabo dikomiting tsa semphato sa mekga e meraro. Tshehetso ya setekgeniki e kenyeletsa ho etsa ditshetleho hodima ditataiso le ho ntjhafatsa tlhahisoleseding hodima melao e metjha, melawana le ditlhokeho, ekasita le theknoloji e ntjha.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo na le ditsha tse tharo tsa bolaodi bo bonyane tse ikarabelang ka polokeho merafong makaleng a Merafo ya Mashala, Merafo e Tebileng Haholo ya Tshepe le Merafo e Meng. Ditsha tsena tsa bolaodi bo bonyane di boetse di tsamaisa Diqhomane, Boenjinere ba Mafika le Thupelo ka ho hlahlamana.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo tshwarahana le mathata a nako e tlang a ka hlahellang polokehong ya merafong. Merafo e tebileng haholo ya kgauta ke kgwao e ikgethang kaha ho rafshwa ho eketsehileng ha dipilara le masalla botebong bo tlase ho tla ba le sephetho sa bothata ba botsitso ba mafika le maemo a kotsi a tshebetso. Bolaodi bona bo tshwarahane bo diphuputso le diprojeke tse ikgethang tse jwalo ka Projeke ya Morafo o Tebileng ho sebetsana le bothata bona.
Matsapa a mang a Bolaodi ba Polokeho Merafong ke Khomishene ya ho Qhoma ha Mafika (Rockburst Commission) e sebetsanang le Khoutu ya Tsamaiso ya Merafo le ho tsamaisana ha yona le Ditataiso tsa ho Lwantshana le dikotsi tsa ho Heleha le ho Qhoma ha Mafika. Bolaodi ba Polokeho Merafong bo boetse bo na le seabo projekeng ya Coaltech 2020. Ho feta moo, merafo e metjha e menyane e tshwere kotsi bakeng sa polokeho ya merafong kaha basebetsi ha ba na boiphihlelo bo bongata mme ha ba tsebe hantle mabapi le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong mmoho le melawana ya wona. Kahoo he, Bolaodi bo etsa hore Molao ona o tsebahale ka bophara mme bo fana ka tshehetso ya setekgeniki ho merafo ena ka ho lekodisisa ditshebetso tsa yona tsa tekanyo ya dikotsi tse ka hlahang le ho fana ka keletso bakeng sa ho ntlafatswa ha tsona.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo boetse bo na le seabo sa bohlokwa ho sebetseng ha Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong (Safety in Mines Research Advisory Committee - SIMRAC), eo e leng e nngwe ya dikomiti ya tsa nako tsohle tsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Ka hodima ho eletsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho behweng ha maemo a kotsi e ka hlahang ho polokeho merafong le tlhokeho ya diphuputso hodima bophelo bo botle le polokeho merafong, Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong e boetse e hlophisa lenaneo la selemo le selemo la diphuputso hore le sekasekwe ke Lekgotla. Haufinyane tjena, Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong e boetse ya itlama ho tsamaisa le ho ntshetsa pele dikgokahano tsa tsebo, phetisetso ya ditheknoloji le teko ya ho kenya tshebetsong ditharollo tse tlang ho lebisa ho dintlafatso maemong le tshebetsong ya Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing.
Bolaodi ba Disebediswa tsa Merafong bo thusa ka ntshetsopele ya melao le maemo a amohetsweng mona lapeng le dinaheng tsa matjhaba mme bo sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ba merafong. Bo boetse bo netefatsa hore maemo a boenjinere a a bolokwa mme kahoo he, ke karolo ya Mokgatlo o Beang Maemo (Standards Generating Body).
Bo tshwarahana le diphuputso ho netefatsa hore ho ba le ditlwaelo tse molemohadi hore di kenngwe tshebetsong merafong. Tse ding tsa diprojeke tsena tsa boenjinere di kenyeletsa diphuputso hodima mekgwa ya mabanta a thothang thepa, makoloi a kgwebo a sebediswang bakeng sa ho thotha batho ka tlasa lefatshe le thuto ya kamano ya batho le tikoloho ho ralweng ha diterene merafong ya Afrika Borwa. Ho feta moo, Bolaodi bona bo laola dihlahlobo bakeng sa Ditifikeiti tsa Bokgoni bakeng sa Baenjinere, Bakganni ba Dienjine tse Kgolo mmoho le Bakganni ba Diterene.
Ditshebeletso tsa Ditekolo tsa Lefatshe Merafo, ho ngolwa ha dimmapa le ho ngolwa ha dipolane ka ho tswelang pele di lebela maemo le ditlwaelo tsa ditekolo tsa merafo hore ho kgothaletswe moya wa polokeho le bophelo bo botle, tshebediso e bolokehileng ya lefatshe le sa tsotellwang bakeng sa ntshetsopele, ekasita le tshebediso e bolokehileng le e phethahetseng ya mehlodi ya diminerale. Mesebetsi e meng e tlamang ke ya ho hlwaya dikotsi le taolo ya dikotsi tse ka hlahang hammoho le thupelo ya basebetsi ba batjha.
ho thakgola diphuputso le ho fana ka dikgothaletso tse loketseng ho ya ka tsa saense bakeng sa ho sireletsa basebetsi; le ho hokahangwa ha dihlahlobo tsa bongaka ho direkoto tsa tlhweko ya mosebetsing ho latela meriana ya mosebetsing.
Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo boetse bo ameha ho ralweng ha maemo le melao, ekasita le ho ralwa ha maano. Bo fana ka keletso e ikgethang ho mabatowa le ho a thusa ka diphuputso le dipatlisiso tse ikgethang. Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo tshwara ditekodiso, bo leke Bahlahlobi ba Mabatowa, bo fane ka thupelo, bo hlwaya dintshetsopele tsa theknoloji indastering ya merafo mme bo netefatsa hore ho sebetsanwa ka ho lekaneng le dikotsi tse ka hlahang. Bo boetse bo sebetsa jwalo ka setho mekgatlong ya semolao, bo sebetsa le setjhaba le dikhampani tsa merafo, bo ananele disebediswa tsa tshireletso ya phefomoloho mme bo tshware diprojeke tsa phuputso.
Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo sebetsa ka katamelano le Komiti ya Boeletsi hodima Bophelo bo Botle ba Mosebetsing Merafong (Mining Occupational Health Advisory Committee - MOHAC), e eletsang Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (Mine Health and Safety Council - MHSC) mabapi le ditaba tsa bophelo bo botle. Ditaba tsena di kenyeletsa maano le melawana e mabapi le mekgwa le mekgwatshebetso ya maemo a bophelo bo botle bakeng sa ho lekanya, ho qoba, ho fedisa, ho laola le ho fokotsa dikotsi tse ka hlahang tsa bophelo bo botle, diphuputso tsa bophelo bo botle, mmoho le pokello, tshebetso le phatlalatso ya dintlha tsa bophelo bo botle indastering ya merafo.
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo tshwarahane le thibelo, temoho e sa le pele, kalafo le tlhabollo ya ho kula, ho tswa kotsi le ditlamorao tse mpe bophelong bo botle tse amanang le mofuta o itseng wa mosebetsi. Kahoo he, maikemisetso a Bolaodi ba Meriana Mosebetsing ke ho fana ka dihlahlobo le ditekolo tsa maemo a lefatshe tsa meriana mosebetsing, tse reretsweng ho fedisa dikotsi tsa bophelo bo botle tse ka hlahang mosebetsing, ka tshebediso ya mekgwa e molemohadi e teng hore ho ntshetswe pele le ho sireletswa bophelo ba basebetsi indastering ya merafo.
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo tsamaisa dikantoro tsa Bohlahlobi ba Bongaka mabatoweng a fapaneng. Bo rala maemo a melao e mabapi le bophelo bo botle, bo tshwarahana le diphuputso tsa bophelo bo botle mme bo tsamaisa pokello ya malwetse a mosebetsing e nang le dintlha le ditokomane tsa dintlha tsa bophelo bo botle ho tswa merafong.
Bahlahlobi ba tshwara ditekodisiso bakeng sa ho kenya letsoho sepheong sa Bolaodi sa ho kenya tshebetsong le ho hatella ho latelwa ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Kahoo he, bahlahlobi ba hlahloba maemo a bophelo bo botle mosebetsing mmoho le disebediswa tsa thuso ya pele, direkoto tsa bongaka (dihlahlobo tsa sethathong, ka mora nako e itseng le tsa ho tswa), mmoho le ditlaleho tsa bongaka tsa selemo le selemo. Ba boetse ba netefatsa hore maemo a tlwaelo ya ditekolo tsa bongaka ke a hlwahlwa.
Bolaodi bo hokahanya ditekolo tsa bongaka ho direkoto tsa tlhweko mosebetsing bakeng sa dipatlisiso tsa boteng ba sewa ho bona ditlwaelo tse atileng. Bo boetse bo thusa diphuputsong le dipatlisisong tse ikgethang, bo ntshetse pele botsebi ba basebetsi, le ho kgothaletsa bophelo bo botle le temoho ya HIV/AIDS. Karolo ya maikarabelo a Bolaodi bona ke ho boloka direkoto tsa bongaka ha merafo e kwalwa.
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo hlwaile merafo e menyane le merafo e dibakeng tse hole jwalo ka dibaka tsa mathata. Merafo ena ha e tsamaisane le ditlhoko tsa Molao tsa ho tshwara dihlahlobo tsa bongaka le ho tswela pele ka ditekolo tsa bongaka. Disosa tsa ho se tsamaisane le Molao ke kgaello ya ditjhelete le basebeletsi ba Bophelo bo Botle le Meriana Mosebetsing.
Ka lebaka la temoho e eketsehileng ya ho hahlamelwa ha basebetsi ba merafong ke maemo a kotsi, Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo na le seabo sa bohlokwahlokwa tshireletsong ya bophelo bo botle le polokeho ya batho ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
Bolaodi ba Tshehetso ya Tsamaiso le Taolo ya ka Hare (Management Support and Internal Control MSIC) bo fana ka tshehetso ya tsamaiso le ya setekgeniki ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Tshebeletso ena e kenyeletsa ho fana ka tsamaiso ya ditjhelete, tsamaiso ya ditifikeiti tsa bokgoni, tsamaiso ya Sekema sa Dikgau tsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ho teka ditshetleho bakeng sa kananelo ya Komiti ya Taolo le Boto ya Dithendara mmoho le ho tsamaisa dikotlo tsa tsamaiso. Bolaodi bona bo boetse bo ikarabela bakeng sa ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha melao, ekasita le tsamaiso ya Mokgwa wa Merafo ya Afrika Borwa wa Dipalopalo tsa Dikotsi tse Tlalehehang (South African Mines Reportable Accident Statistical System - SAMRASS), o ngolang fatshe dipalopalo tsa tshebetso ya polokeho indastering. Dipalopalo tsena di itshetlehile haholoholo ho dintlha tse bokelletsweng ke Biro ya Diminerale ho tswa ho ditokomane tsa dintlha tse hlokehang ho tswa merafong?
Bolaodi ba Tshehetso ya Tsamaiso le Taolo ya ka Hare bo boetse bo fana ka tshebeletso ya tshehetso ya tsamaiso ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo le ditho tse ding tse phahameng tsa botsamaisi ka hara Bohlahlobi.
Ho nyalangwa le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) ka ho ralwa ha melao e tlatselletsang.
Ho fana ka tshehetso ya setekgeniki le ya dinako tse itseng feela ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo ekasita le Motlatsi wa Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo.
Ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha mekgwa le mekgwatshebetso bakeng sa ho sebediswa ke Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong jwalo kaha sena se hlokeha ho ya ka dikarolo tse fapafapaneng tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho ba setho sa dikomiti tse fapaneng tsa semolao tsa semphato sa mekga e meraro tse thehilweng ke Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho nyalangwa ha dipontsho tsa mabatowa tsa Mohlahlobi ya ka Sehloohong moo ho bapatswang teng dikgopolo tse ntjha tsa merafo e fapaneng mabapi le Polokeho le Bophelo bo Botle.
Ho sebetsa jwalo ka setho dikhomisheneng tse fapafapaneng tsa bahlahlobi bakeng sa ditifikeiti tsa semolao tsa bokgoni.
Ho hlophisa Seboka se tshwarwang jwalo ka mora dilemo tse pedi sa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong se hlokehang ho latela Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho ba batsamaisi ba Morero wa Kgwebo wa Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo.
Ho rala le ho nyalanya Tlaleho ya Selemo le Selemo ya Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo eo ho hlokehang hore e phatlalatswe ho latela Karolo 49 (j) ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Tsamaiso ya kakaretso ya ditjhelete bakeng sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo sebetsa jwang Afrika Borwa?
Bohlahlobi bo na le kantoro ya naha Pretoria le dikantoro tse robong tsa mabatowa profensing ka nngwe. Kantoro ya lebatowa e eteletswe pele ke Mohlahlobi e Moholo ya nang le boiphihlelo bo batsi tsamasiong le tshebetsong ya merafo. Palo ya basebetsi kantorong ka nngwe e itshetlehile ho sepheo le boholo ba mesebetsi ya merafo lebatoweng leo. Mesebetsi ya bophelo bo botle le polokeho ya dikantoro tsena e arotswe ka bobatsi ho ba polokeho merafong, disebediswa kapa metjhine ya merafong, tlhweko mosebetsing le meriana mosebetsing.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo etsa eng?
Mosebetsi o ka sehloohong wa Bohlahlobi ba mabatowa ke ho kgothaletsa le ho hatella ho latelwa ha Molao le Melawana merafong e mabatoweng. Ba bang ba bahlahlobi ba mabatowa ke ditho tsa dihlopha tsa diprojeke le dihlopha tsa tshebetso tsa semphato sa mekga e meraro se sebetsang ho hlahisa meralo e metjha ya ditsela tsa taolo.
Ebe maikemisetso a Bohlahlobi ba Mabatowa ke afe?
Bo thusa basebetsi ba merafo hore kamoo ho kgonehang ka teng ba thibele dikotsi le ho kula ho amang basebetsi le batho bohle ba bang ba ka nnang ba angwa ke mesebetsi ya merafo.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo rerile ho fihlella maikemisetso ana jwang?
Bo sebedisa tekodisiso e yang ka leano ya dibaka tse hlokolosi, dihlahlobo tse keneletseng ka bahlahlobi le ho hatellwa ha mehato e loketseng ya tokiso, ha feela ho na le basebetsi le ho latela lenaneo la mesebetsi.
Ebe ho etsahala eng ka nako ya hlahlobo?
Mohlahlobi o ngola fatshe le ho lekodisisa ho ya ka leano boholo ba ho latelwa ha Molao, melawana, dikhoutu tsa tsamaiso, ditaelo tsa batsamaisi, maemo a tshebetso le ditlwaelo tse molemohadi tsa indastering ka nako ya hlahlobo. Mohlahlobi a ka boela a sebedisa lenane la ho lekola tse tshwanetseng ho etswa ha a ntse a hlahloba sebaka sa tshebetso.
Ebe hlahlobo e tshwarwa neng?
Dihlahlobo di tshwarwa neng le neng ha ho bonwa ho hlokahala. Di itshetlehile ka tekolo ya dibaka tse hlokolosi, ditletlebo tse amohetsweng le ho ya ka mananeo a itseng.
Ebe diphuputso di thakgolwa neng?
Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (CIOM) o tshwanetse ho laela mohlahlobi ho fuputsa kotsi kapa ketsahalo efe kapa efe morafong e bakileng lefu la motho ofe kapa ofe.
ketsahalo, tlwaelo kapa maemo afe kapa afe a mabapi le bophelo bo botle kapa polokeho ya batho morafong o le mong kapa ho feta; kapa tlolo efe kapa efe e etsahetseng kapa e belaelwang, kapa ho hloleha ho tsamaisana le pehelo efe kapa efe ya Molao ona.
Haeba ho na le ho bakang ho kgathatseha ka mabaka a bophelo bo botle kapa polokeho, mohlahlobi o tshwanetse ho fuputsa taba efe kapa efe e boletsweng karolwaneng ya ka hodimo, haeba a laelwa ho etsa jwalo ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo; kapa a kopjwa ho etsa jwalo ke?
moemedi wa bophelo bo botle le polokeho kapa komiti ya bophelo bo botle le polokeho morafong; kapa iii mosebetsi morafong oo, haeba ha ho na moemedi wa bophelo bo botle le polokeho.
Ke mathata afe a ka sehloohong ao Bahlahlobi ba Mabatowa ba teanang le ona mabapi le polokeho merafong?
Bahlahlobi ba hlwaile mathata a mabedi a ka sehloohong merafong: ho hlwauwa ho sa lekanang ha dikotsi le kgaello ya botsebi ba ho lekanya dikotsi tse ka hlahang. Tsona di lebisa maemong a hodimo a dikotsi tse ka hlahang, mme hona ho lebisa ho hlaheng ha dikotsi.
Ke mathata afe a ka sehloohong ao Bahlahlobi ba Mabatowa ba teanang le ona mabapi le bophelo bo botle merafong?
Bothata bo hlwailweng ke bahlahlobi ke hore ho na le tlhokeho ya kutlwisiso ka mehato ya bophelo bo botle indastering mmoho le tshebediso ya yona ka katleho, ho sa kgathaletsehe mokgwa wa dikopano tse keneletseng tse tswelang pele, mananeo le matsapa a bophelo bo botle ka batsamaisi le basebetsi ba Lefapha la Diminerale le Eneji.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo tsebahatsa jwang melao e metjha indastering ya merafo?
Bo sebedisa Masedinyana a Bophelo bo Botle le Polokeho, dipampitshana tsa Bophelo bo Botle le Polokeho mme bo hlophisa Diwekshopo tse loketseng tsa Bophelo bo Botle le Polokeho moo ho hlaloswang le ho buisanwa ka melao ena ka ho hlakileng. Bo boetse bo sebedisa weposaete ya Lefapha la Diminerale le Eneji mmoho le Seboka sa Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsebahatsa melao e metjha.
Ebe Bahlahlobi ba na le dikarabo dife?
Bakeng sa ho lebela kapa ho hatella ho latelwa ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, a ka kena morafo ofe kapa ofe nako efe kapa efe ntle le lengolo la tumello kapa tsebiso.
A ka botsa motho ofe kapa ofe hodima taba efe kapa efe e akaretswang ke Molao.
A ka hloka hore motho ofe kapa ofe ya nang le taolo, kapa ya tshwereng tokomane efe kapa efe, ho kenyeletswa empa ho sa fellwa ho moralo, buka kapa rekoto, hore motho eo a hlahise tokomane eo hang hang ho mohlahlobi kapa nako efe kapa efe e nngwe le sebakeng se batlwang ke mohlahlobi.
A ka hlahloba ntho efe kapa efe, sesebediswa kapa motjhine; mosebetsi ofe kapa ofe o entsweng; kapa maemo afe kapa afe.
A ka hlahloba ditlhophiso tse entsweng ke motsamaisi bakeng sa tekolo ya bongaka ya basebetsi.
A ka hapa tokomane, ntho, sesebediswa kapa motjhine ofe kapa ofe kapa karolo kapa sampole ya wona; mme a phethe mosebetsi ofe kapa ofe o beilweng.
A ka fana ka taelo efe kapa efe e hlokehang ho sireletsa bophelo bo botle kapa polokeho ya batho morafong oo, haeba mohlahlobi o na le tumelo ya hore ketsahalo, tlwaelo kapa maemo afe kapa afe a morafong oo a bea kotsing kapa a ka nna a bea kotsing bophelo bo botle kapa polokeho ya motho ofe kapa ofe morafong oo.
A ka tshwara dipatlisiso ha ho hlaha kotsi morafong kapa bolwetse bofe kapa bofe mosebetsing.
Ebe mosebetsi wa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) o akaretsa sebaka se sekae?
Bohlahlobi bo akaretsa indasteri ya merafo ho haola le naha le ditsha tse ka nnqane ho tse 700 tse ngodisitsweng le basebetsi ba ka bang ba 400 000.
Ebe maemo a mehato ya ho kenella ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong selemo le selemo ke afe?
Ebe ditokelo le maikarabelo a ka jwalo ka ramosebetsi ha ho tadingwa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke afe?
Ke tokelo ya hao jwalo ka ramosebetsi ho fumana tataiso ho tswa ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le melawana ya wona. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ka boela ba o thusa ka tlhalosetso ya Molao ona. Leha ho le jwalo, ke maikarabelo a hao ho hlompha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ho utlwisisa seabo sa bona ho hatelleng ho latelwa ha melao le ho thusa bahlahlobi ho phethahatsa mesebetsi ya bona. Ka hodima sena, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke molekane wa hao ho tsa bophelo bo botle le polokeho.
Ho ya ka Bohlahlobi, mokgwa wa tsamaiso wa Bophelo bo Botle le Polokeho o tshwanetse ho kenyeletsa eng?
Boramosebetsi ba lebelletswe ho rala mekgwa ya tsamaiso ya bophelo bo botle le polokeho e nahanelang maemo a ikgethang merafong ya bona. Leha ho le jwalo, Bohlahlobi bo lebelletse hore merafo e nahanele ditlwaelo tse molemohadi tsa matjhaba ha e hlahisa le ho kenya tshebetsong mekgwa ya yona ya tsamaiso ya polokeho. Kahoo he, mekgwa ena e tshwanetse ho kenyeletsa dikarolo tse ka sehloohong tsa leano, ho hlophisa, ho rala le ho kenya tshebetsong, tekolo le mehato ya ntlafatso.
Ka kakaretso, ketelo ya mohlahlobi morafong e fihlella eng?
Mohlahlobi o netefatsa hore botsamaisi ba morafo bo hlwaile dikotsi (mohlodi kapa kgahlamelo kotsing) le dikotsi tse ka hlahang (kgonahalo ya hore motho a ka tswa kotsi kapa a lemala) tse amanang le dikotsi tsena. Mohlahlobi o boetse o lekodisisa tshebetso ya tekolo ya dikotsi tse ka hlahang mmoho le sephetho sa yona.
Mabapi le ho se latelwe ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, bahlahlobi ba na le matla afe a ho hatella ho latelwa ha Molao ona?
Matla a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong a ho hatella ho latelwa ha Molao a kenyeletsa ho ntsha ditsebiso tsa ho hatella ho latelwa ha Molao kapa tsa ho kwalwa ho latela dikarolo tsa 54 le 55 tsa Molao ona, ho behwa ha dikotlo tsa tsamaiso le dikgothaletso tsa diqoso.
Ebe matla ana a ho hatella ho latelwa ha Molao a sebediswa jwang?
Ho na le mekgwa e seng ya molao ya ho hatella ho latelwa ha Molao e jwalo ka keletso le ditemoso tse ntshwang ke mohlahlobi ha a etsa hlahlobo. Mokgwa ona wa ho hatella ho latelwa ha Molao o lebeletse hore batho ba tla ithaopa ho latela Molao. Ha temoso e sa latelwe, mohlahlobi a ka sebedisa maano a sekametseng ho tshabiseng ka ho eketsehileng. Sena se tla kenyeletsa ditsebiso tsa dintlafatso, dikotlo tsa tsamaiso, diqoso, le ditsebiso tsa ho kwala.
Ke mofuta ofe wa maano a ho hatella ho latelwa ha Molao a sebediswang ke Bohlahlobi ba Mabatowa?
Ditekolo le diphuputso tsa letsatsi le letsatsi.
Dihlahlobo le ditekolo tsa kgafetsa le tsa nako e itseng tsa dihlopha.
Dihlahlobo le ditekolo tsa ka mora tse ding.
Ditlaleho tsa dihlahlobo le ditekolo tsa letsatsi le letsatsi tseo ho buisanwang ka tsona maemong a botsamaisi.
Ditaelo le Dikotlo.
Ho emiswa ha dibaka tsa tshebetso.
Ebe nka phehisana le qeto ya mohlahlobi?
Ee, empa o tshwanetse ho latela mokgwatshebetso o beilweng ho Karolo ya 57 ya molao. O ka ipiletsa ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (CIOM) kgahlanong le qeto efe kapa efe e entsweng ke Mohlahlobi matsatsing a 30 a qeto eo mme o fane ka mabaka a boipiletso ba hao.
Ebe nna jwalo ka mosebetsi, ke fumana jwang molemo mosebetsing wa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo netefatsa hore dipehelo tse ka hara Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong di a latelwa. Kahoo he, ho bolokwa tokelo ya hao ya ho sebetsa tikolohong e bolokehileng le e nang le bophelo bo botle.
Ebe ke neng Bohlahlobi bo tshwarang diphuputso tse ikgethang?
Diphuputso tse ikgethang di tshwarwa ha ho hlaha dikotsi tse ngata ka nako e le nngwe nakong e kgutshwane. Ho atisa ho hlophiswa dikopano le batsamaisi le mekgatlo ya basebetsi ho buisana le ho lokisa maemo.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) bo hlophisa jwang mosebetsi jwalo ka o tlang pele-pele hore bo sebedise nako le mehlodi ya bona ka bokgabane?
Bo hlwaya merafo e nang le mathata a bonahalang ka ho sebedisa pokello ya dintlha tsa bophelo bo botle le polokeho.
Bo tsepamisetsa ho merafo ena bakeng sa dihlahlobo le ditekolo tse eketsehileng tsa kgafetsa.
Bo sebedisa ditekolo tsa mekgwa le maemo jwalo ka disebediswa tsa ho hlwaya maemo a kotsi le dikotsi tse ka hlahang pele di hlaha.
Bo ntsha ditaelo ha ho hlokahala.
Bo fuputsa bomeo le maemo ho senola sesosa se ka sehloohong sa dikotsi.
Bo potolosa tlhahisoleseding hodima dikotsi tse itseng ho bohle ba amehang.
Ebe indasteri ya merafo e bontshitse diphetoho dife kapa dife ho tsa bophelo bo botle le polokeho ho tloha ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon?
Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon hodima Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ya Afrika Borwa e ile ya lebisa diphetohong tse mmalwa indastering ya merafo. Ka ho ikgethang, Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong wa bo-29 wa 1996 mmoho le sebopeho le mesebetsi e ntlafetseng ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ka tlwaelo, indasteri ya Afrika Borwa e nnile ya tlaleha dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi ka ho sebedisa tekanyetso ya batho ba 1000 ba mosebetsing. Leha ho le jwalo, haesale ho tloha ka 1999, ho nnile ha ba le tlwaelo e ntjha ya ho rekota dikgahla tsa dikotsi le mafu ka dihora tse milione tse sebeditsweng, mme sena se dumella papiso e bobebe ya dinaha tsa matjhaba ya dikotsi tse ka hlahang. Ha jwale ho sebediswa kakanyo ho fihlella palo ya dihora tse sebeditsweng. Leha ho le jwalo, ho na le kgwao ya hore kakanyo ena ha e bontshe palo ya dihora tseo batho ka bomong ba leng kgahlamelong ya kotsi e ka hlahang (ke hore, basebetsing ba sebetsang ka tlasa lefatshe), empa feela paloyohle ya ba mosebetsing. Phokotso ya dihora tse milione tse sebeditsweng e tla lebisa dikgahleng tse hodingwana tsa ho tswa kotsi le mafu, mme sena se tla bontsha dikotsi tse phahameng tse ka hlahang. Kahoo he, ke ha bohlokwa haholo ho sebedisa palo ya sebele ya dihora tsa kgahlamelo ya kotsi e ka hlahang, ho netefatsa hore dikgahla tsa dikotsi tse ka hlahang di a tshepahala mme ha di pate kotsi ya sebele e teng?
Dintlha tse hlahisitsweng Hlohlomisong ya 3 di itshetlehile ho dintlha tse hlahang ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong Kakaretso ya Dipalopalo tsa Dikotsi tse tlalehilweng ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo bakeng sa nako ya ho tloha ka la 1 Pherekgong 1984 ho ya mafelong a Tshitwe 2002, mme di qotswa di sebedisa tekanyetso ya ho ya ka batho ba 1000 ba mosebetsing. Hlohlomiso ena e tshwere ka bobedi dikgahla tsa mafu le tsa ho tswa kotsi, mme bakeng sa mokgahlelo ka mong e hlwaya ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa dilemong tse leshome le metso e robong tse fetileng. Leha ho le jwalo, Hlhlomiso e fana ka ho ikgethang ka papiso ya dintlha pakeng tsa 1994 le 2002. Kahoo he, dintlha tsa moraorao tjena di bapiswa le dintlha tsa 1994, seo e leng selemo seo Khomishene ya Leon e nnileng ya tshwara diphuputso tsa yona ka sona mme ya fumantsha hore tekanyetso ya mafu, ho tswa kotsi le malwetse e ne e le mpe hoo ho neng ho hlokeha mehato ya tokiso ka potlako?
Ka bobedi dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi bakeng sa Merafo Kaofela di bontshitse ntlafalo e hlokehang haesale ho tloha ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ka 1994. Dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi tsa merafo ya kgauta di ntlafetse mme sekgahla sa ho tswa kotsi se tlase ka ho fetisisa dilemong tse leshome le metso e robong e fetileng. Leha ho le jwalo, merafo ya kgauta e ntse e ikarabela bakeng sa palo e kgolohadi ya mafu le ho tswa kotsi indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Sekgahla sa mafu sa merafo ya mashala se bontshitse ntlafalo e bonahalang mme sekgahla sa ho tswa kotsi sona se bontshitse ntlafalo e tsitsitseng. Leha ho le jwalo, dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi bakeng sa merafo ya polatinamo di nnile tsa mpefala ka ho bonahalang, mohlomong ka lebaka la keketseho ya palo ya basebetsi ba ka tlasa lefatshe. Sehlahiswa sena ke se bakang ho kgathatseha ka ho ikgethang kaha mokga wa polatinamo o jara boikarabelo bakeng sa mafu a etsang 18.4% a mafu ohle a 2002, papisong le a 5% ka 1994. Dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi merafong ya taemane di atisa ho fetofetoha selemo le selemo. Ka 2002, sekgahla sa mafu se nnile sa mpefala ka ho bonahalang, empa sekgahla sa ho tswa kotsi se ile sa ntlafala?
Kantle ho ditshebetso tsa merafo ya polatinamo le ya taemane, ho ka bonahala ntlafalo dikgahleng tsa mafu le tsa ho tswa kotsi merafong kaofela. Leha ho le jwalo, ho ya ka Lekgotla la Diminerale la Australia, basebetsi ba merafo ba Afrika Borwa ba tjamelane le kotsi e ka bang e mehananeng hararo ya ho ka hlokahala mosebetsing ho e na le basebetsi ba Australia kapa ba United States.
Afrika Borwa 0.
Leha e le hore diphapang tse bonahalang di ka ba teng ka lebaka la mofuta wa ho rafa o sebetswang le phapang e teng ho maemo a kotsi a merafo, di hloka ditaolo tse kgolwanyane le tse sebetsang hantle ho feta. Kahoo he, indasteri ya Afrika Borwa e tshwanetse ho fokotsa kotsi e ka hlahang eo basebetsi ba yona ba leng kgahlamelong ya yona ha jwale hore e be papisong e tshwanang le ditlwaelo tsa matjhaba tsa tshebetso e kgabane. Kaha ponelople ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e le ho fihlella maemo a amohelehileng mona lapeng le a ka bapiswang le a dinaha tsa matjhaba, bo tla tswela pele ho phehella ho thusa indasteri ho fihlella maemo ana.
Dipalopalo di bontsha hore ho heleha ha mafika e sa ntse e le mokgahlelo o moholohadi wa dikotsi le sesosa se ka sehloohong sa mafu merafong ya Afrika Borwa (tadima Setshwantsho sa 5), mme mokga wa kgauta o ikarabela bakeng sa tekanyetso e kgolohadi ya tsona ka bobedi. Tahlehelo ya maphelo le palo ya dikotsi tse mpe tse tswileng ha jwale indastering di ka fokotswa haholo ka ho kgetha le ho kenya tshebetsong maqheka a loketseng a teng ha jwale a taolo le ho netefatsa hore ho bolokwa ka matla maemo a taolo ya mekga.
Metjhine e tsamayang le dikotsi tsa dipalangwang di emetse mokgahlelo wa bobedi o moholohadi wa dikotsi. Tsona di bakwa ke maemo a tlase a tliswang ke dikgaello mekgweng ya botsamaisi ya merafo. Ke sepheo sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho netefatsa hore boramosebetsi ba hlwaya dikotsi le ho lekanya dikotsi tse ka hlahang hore ba behe mehato ya ho di fedisa, ho di laola le ho di fokotsa. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo thusa merafo ho hlahisa ditwaleo tse molemohadi tsa tshebetso ho netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale.
Ka nako ya Khomishene ya Leon, ho ne ho na le dipalopalo tse tshepahalang tse fumanehang bakeng sa malwetse a mosebetsing a bakwang ke ho sebetsa indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Ka bomadimabe, dintlha tse phethahetseng le tse tshepahalang di sa ntse di sa fumanehe naha ka bophara. Pokello ya Dintlha tsa Malwetse a Mosebetsing Merafong ya Afrika Borwa (South African Mines Occupational Diseases Database - SAMODD) ke hona e qalang ho bokella disampole tse nyane tsa dintlha. Kaha ditlaleho tsa bophelo bo botle ho tswa merafong ha e so be ntho e qobellang tlasa ditaelo tsa molao, ke boikarabelo ba merafo ho teka diforomo tsa dintlha ho Pokello ya Dintlha tsa Malwetse a Mosebetsing Merafong ya Afrika Borwa (SAMODD) bakeng sa diphuputso tsa nako e tlang le thibelo ya malwetse a mosebetsing.
Nakong ya ho feta, kamano pakeng tsa dikgahlamelo tse kotsi le malwetse a amanang le mosebetsi e ne e sa ngolwa hantle fatshe kapa ho utlwisiswa, mme sena sa lebisa ditokisong tse sa sebetseng hantle tsa thibelo. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo hlahisa Pokello ya Dintlha tsa Tlhweko Mosebetsing ho rekota, ho lebela le ho laola kamano ena. Pokello ena ya dintlha hape e tla hokahangwa le mekgwa e meng ya lefapha e jwalo ka SAMRASS le SAMODD ho hlwaya mesebetsi le dibaka tsa tshebetso tse nang le dikotsi tse hodimo.
Malwetse a matshwafo mosebetsing ke sesosa se seholohadi se ka thibelwang sa ho penshena pele ho nako mmoho le ho hlokahala hara batho ba sebetsang indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Malwetse a matshwafo a amanang le lerole a kupetsa dikotsi tsa merafong ka palo ya basebetsi ba amehang. Hara batho ba mosebetsing merafong kaofela ka 1998, sekgahla sa mafu e ne e le 0.85 ho ya ka batho ba 1000 mme ho ile ha tlalehwa batho ba 6 064 ba tswileng dikotsi (tse 14.1 ho ya ka batho ba 1000).
20 ho ya ka ba 1000.
Malwetse a bohlokwa ka ho fetisisa a matshwafo mosebetsing a amanang le merafo ke malwetse a bakwang ke lerole la diminerale, bolwetse bo sa feleng ba ho thibana ha methapo ya madi (COPD), dikankere tsa mosebetsing, asma ya mosebetsing, le ho tswa kotsi ka lebaka la ho hema ho tshwanang le ho bakwang ke naetrojendayoksaete le mollo. Ditlamorao tsena tse mpe di bakwa haholoholo ke ho hema disilafatsi tsa moyeng. Ka lebaka la sebopeho sa dikarolwana tsa tsona, disilafatsi tsa moyeng ka kakaretso di ka behwa ka dihlopha tsa marole, mesi, mehudi, dikgase le diphofudi.
Selemo sa 2002 se bile le phokotseho e butle-butle feela kgahlamelong ya basebetsi ke disilafatsi tsa moyeng (tadima hlohlomiso ya 2). Leha ho na le phokotseho ena, ha se ntho e sa lebellwang ho bona palo ya ditleleime tsa ditlhapiso e nyoloha ka lebaka la ho dieha ha bohloko ba malwetse a mosebetsi ho hlahisa mokgwa. Kaha thibelo e feta setlhare, kotsi e tshwanetse ho laolwa sesoseng sa yona. Mabapi le ho fokotsa kgahlamelo ya basebetsi ho disilafatsi, maikarabelo a jariswa ramosebetsi. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ile ba phatlalatsa Tataiso ho sireletsa le ho ntlafatsa bophelo bo botle ba basebetsi ka ho lebela le ho fokotsa kgahlamelo ya bona ho disilafatsi tsa moyeng. E fana ka motheo o babatsehang wa ho lekanya kgahlamelo ya bona. Ho ya ka Khoutu ya Tsamaiso, morafo o mong le o mong o tshwanetse ho bea mehato ya taolo ho fokotsa dikotsi tsena tse ka nnang tsa hlaha. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo kgothaletsa boramosebetsi ho lebela le ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho sebetsang hantle ha mehato ya taolo.
Lerata le nnile ka ho tswelang pele la amohelwa jwalo ka kotsi e bonahalang ho bophelo bo botle ba basebetsi indastering ya merafo Afrika Borwa. Indasteri e ile ya hlahisa Mananeo a Paballo ya Kutlo (HCPs) selemong sa 1988. Ka mora moo, mananeo ana a nnile a ba a qobellang hobane mekgwa ya ditshebetso tse hlokang basebetsi ba bangata e neng e tlwaelehile ditshebetsong tse ngata tsa ho rafa diminerale le ho di sebetsa e ne e ba le sephetho sa hore palo e kgolo ya batho e hahlamelwe ke lerata le ka nnqane ho moedi o bolokehileng o amohetsweng semolao wa 85 dB.
Diphetoho ditlhokong tsa ho lekanya ditleleime tsa ditlhapiso di ile tsa nyolla sekgahla sa tahlehelo ya kutlo e bakwang ke lerata ditshebetsong tsa merafo tsa Afrika Borwa. Ditlhoko tse lekodisisitsweng botjha di ile tsa fokotsa moedi wa ditlhapiso ho tloha ho 42 ho ya ho 26 dB jwalo ka palohare ya tahlehelo ya kutlo, ho kenyeletswa le ditahlehelo tse ho 3000 Hz. Ho tloha ho kengweng tshebetsong ha ditlhoko tse lekodisisitsweng botjha (Taelo ya ka Hare ya bo-168 ya 1995 ya Mokomishenara wa Ditlhapiso tsa Basebetsi), tekanyetso ya ditleleime tsa ditlhapiso bakeng sa tahlehelo ya kutlo indastering ya merafo di nnile tsa nyoloha.
Hlohlomiso ya 4 e bontsha ditlhapiso tse lefuweng haesale ho tloha ka 1997. Sena se re neha kakanyo ya boholo ba bothata ba Tahlehelo ya Kutlo ka Lebaka la Lerata nakong e fetileng. Leha ho le jwalo, bokamoso le bona ha bo kgothatse kaha ho akangwa hore pakeng tsa dipersente tse 68 le tse 80 tsa basebetsi ba merafong ba hahlamelwa ke palohare ya boima ba nako e etsang 85 dB kapa ho feta, mme sena se bontsha kotsi e bonahalang ya tahlehelo ya kutlo bakeng sa bongata ba basebetsi ba indasteri ena.
Leha ho na le Mananeo a Paballo ya Kutlo (HCPs), boenjinere ba taolo ya lerata le mehato ya tsamaiso ya ho laola kotsi e ka hlahang, bothata bona bo dula bo le boholo. Ho hlokahala tshebedisano ya basebetsi bohle ho fokotsa dikotsi tse ka bang teng tsa ho thibela tahlehelo ya kutlo kaha basebetsi ba na le maikarabelo a ho sireletsa bophelo ba bona bo botle le polokeho ya bona, ekasita le tsa batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo dula ka ho tswelang pele bo nyalanya mesebetsi ya bona le tse tlang pele-pele ho ya ka leano ka hara naha, tse tsamaisanang le maikemisetso a bona. Bo fana ka tshebeletso ho merafo e seng ya molao le e menyane ka ho tshehetsa thupelo le ntshetsopele lekaleng la Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, hore ho fokotsehe bofuma le ho se lekalekane. Bo eletsa merafo mabapi le melao mme bo fana ka thuso tlhalosong ya mealo eo. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo boetse bo thusa matsapa a ho lwantshana le HIV/AIDS ka tshehetso ya bona ya matsapa a jwalo ka Projeke ya Powerbelt le matsholo a mang a ho tlisa temoho.
Diphetoho tsa moraorao tjena ka hara Bohlahlobi mmoho le melao e laolang bophelo bo botle le polokeho merafong ke dintho tseo kaofela di neng di tobisitswe ho ntlafatseng tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing indastering, ho netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale tlasa maemo a tshebetso a nang le bophelo bo botle. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ka ho tswelang pele bo phehella ho fihlella sepheo sena le ho ntlafatsa tshebetso ya nako e ka pele.
Ke mang eo ho hlokahalang hore a utlwe ka Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)?
Motho ofe kapa ofe ya sebetsang kapa ya nang le setho sa lelapa kapa metswalle e sebetsang merafong.
Ke hokae moo nka fumanang ho eketsehileng mabapi le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Ebe kantoro ya naha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e hokae?
<fn>sot_Article_National Language Services_Bonono bo Bonwang.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
THAETLELE / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Bukana ya Mosebetsi.txt</fn>
Re kgothalla ho etsa mosebetsi o ka tsotehang lefatsheng lohle?
Hobaneng re kgothaletsa tlwaelo ena ya tshebeletso ya kgwebo e kgahlehang?
Ha re bua ka ho kgotsofala re bolela boemo boo motho a bo fihlellang bo tswalang tlhahiso e phahameng ha e bapiswa le kamoo motho a ka lebellang ka teng.
Ho hlahisa tshebetso e ka tsotehang ka lefatshe lohle.
Ho ntshetsa pele boemo ba tlhahiso tshebeletsong ya baadimi ba tjhelete ba rona ka ho fetola tjhadimo ya batho ba rona e neng e tsepame haholo ho dikamano empa jwale re tadima moadimi wa tjhelete haholo - mme ka ho etsa jwalo re leka ho fihlella le ka ho fetisisa tseo baadimi ba tjhelete ba di lebellang ho Banka ekasitana le mosebetsi wa banka.
Re leka ka hohle ho o sebeletsa ka makgethe ka nako tsohle hobane re a tseba hore o lebeletse mosebetsi o tsotehang Bankeng ena ya Naha. Ha eba kajeno o kgotsofaletse tshebeletso eo o e etseditsweng, re o kopa hore o tsebise motswalle wa hao. Ha eba ho se jwalo, re o kopa ho tsebisa Mookamedi wa Lekala la heno la Banka. Ha eba o sa etse jwalo, o ka ikopanya le lefapha la tshebeletso ya baadimi ba tjhelete mona ho: 0800 00 52 59.
Ho se ho le bohlokwa haholo ho rona ho leka ho shebana le ho baballa baadimi ba tjhelete ba rona. Mokgwa oo Banka ya Naha e ka o sebedisang ho baballa baadimi ba tjhelete ba yona ke wa ho etsa mosebetsi o motle o kgotsofatsang ditlhoko tsa baadimi ba tjhelete.
Ka nako e fetileng Banka ya Naha e ne e sebetsa ka tsela e ikgethileng mme ho ne ho se na boiteko bo ikgethileng ba ho thabisa baadimi ba tjhelete ba yona. Kajeno Banka ya Naha e hlodisana le dibanka tsa kgwebo ho ikgapela baadimi ba tjhelete. Baadimi bana ba tjhelete ba lebane le kgetho e batsi ya dihlahiswa le mesebetsi ya banka. Baadimi ba tjhelete ba kajeno ba se ba rutehile mme ba hlokolotsi haholo.
Thahasello ya bona ya ho etsetswa mosebetsi o tsotehang e ekeditswe ke tlhahiso e phahameng esita mesebetsi e etswang. Ha eba Banka ya Naha e ntse e batla ho baballa baadimi ba yona ba tjhelete esita le boemo ba yona sedikadikweng sa mesebetsi ya ditjhelete, ho hlokeha mohopolo o motjha wa kgwebo. Lebaka ke hore ke feela dikhamphani tse eteletsang moadimi wa tjhelete pele tse tla atleha mme e be dikhamphani tse ka bang le tlhahiso e babatsehang ho baadimi ba tjhelete ba tsona. Ha se feela mosebetsi wa mafapha a papatso le thekiso ho baballa baadimi ba tjhelete. Lefapha la Dipapatso le ka fumana katleho feela dikhamphaning tseo mafapha a tsona le basbeletsi ba tsona ba ipopileng ngatana-nngwe ho theha le hona ho sebedisa mokgwa wa tshebetso o bontshang phehisano le katleho.
Se sa lekanngwang se ke ke sa laolwa. E le hore re kgone ho putsa basebeletsi ba rona ka ho sebetsa ho latela mekga e fapaneng ya motheo, re lokela ho ba le hona ho lekanya mosebetsi le boleng ba ona.
Re rata ho mema basebetsi bohle ba be le seabo ho Sengolwa sena sa Tshebeletso ya Banka ya naha. Seabo sa lona bakeng sa Melawana ena ya Boitshwaro se molemo haholo malebana le katleho ya Banka ya Naha.
Mosebetsi o tsotehang ke eng?
Hona ho bolela hore ke ho itela ho tswa lekoteng e le ho thusa hore mathata a baadimi ba tjhelete a rarollwe. Hona ho bile ho ama ho sebetsa ho feta moedi wa tshebetso. Hona ho bolela ho sebetsa mosebetsi o tlatseletsang o neng o sa ballwe lenaneong la tshebetso ya hao. Mesebetsi ena ya tlatsetso e ka nna ya se ke ya phethwa ke batho ba bang. Hona ho laolwa feela ke THAHASELLO. Ho ba le lerato, boikgothatso, thahasello esita le matla. Ho bolela hore kamehla o sebetse ka hohlehohle kamoo o ka kgonang. Ho bolela ho rata mosebetsi wa hao le ho ba motlotlo ka seo o se etsang. Hona ho bolela ho ba makoko bakeng sa ho sebeletsa Banka ya Naha. Hona ho bolela ho ba motlotlo malebana le ho sebeletsa Banka ya Naha.
Sengolwa sa Mosebetsi wa Banka ya Naha ke eng?
Sengolwa sena sa mosebetsi se hlahisa mokgwa le mabaka malebana le ho phetha mosebetsi o babatsehang bakeng sa tshebeletso ya baadimi ba tjhelete. Ha o latela tataiso ena o tla ba le hona ho fumana thabo le monyaka bakeng sa basebeletsi ba hao esita le bona baadimi ba tjhelete ka tsela e tshwanang.
Sengolwa sena sa mosebetsi ke bukana ya hao ya tataiso bakeng sa ho phetha mosebetsi malebana le baadimi ba tjhelete ka ho totobala. O mong wa mekgwa e totobatsang sepheo sa Banka ya Naha ke ho kgothaletsa le ho matlafatsa Maemo a lokileng a Bophelo bakeng sa baadimi ba yona ba tjhelete bohle. Wena jwalo ka leqosa kapa moemedi wa banka sebakeng seo o leng ho sona, o na le monyetla wa ho ba karolo ya diphetoho tsa seo batho ba tla bang sona. O karolo e phethahatsang seo batho ba ka se kgonang ka ho ba abela ditjhelete tse tshanelang tse bonalang bakeng sa ho phethahatsa ditoro tsa bona!
Sepheo sa rona ha se feela ho kgothaletsa tswelopele bakeng sa kgotsfatso ya ditlhoko tsa baadimi ba rona ba tjhelete tse bonahalang ka ntle empa hape ke ho kgothaletsa tswelopele bakeng sa ditlhoko tsa baadimi ba rona ba tjhelete tse ka hare. Tataiso ena e tla o thusa ho ba motho ya tsotellang baadimi ba tjhelete esita le hona ho tsotella mosebetsi.
Re rata ho kgothaletsa basebeletsi bohle ba Banka ya Naha dintlha tsena tse hlahlamanang tse ngotsweng mona ka tlase. Ha re tshehetsaneng mme re kgothatsaneng ka mehla eseng feela ho sebetsa hantle ka moo re ka kgonang ka teng empa ho kgothaletsa thahasello ya ho tadima bophelo le mosebetsi ka tsela e lokileng!
Amohela baadimi bohle ba tjhelete ka potlako ka ho ba tadima mahlong le ka ho bososela. Ha eba o ke ke wa thusa baadimi ba tjhelete ka potlako, ba tsebise hore o tla ba thusa ka mora nako e kgutshwanyane.
Dumedisa baadimi bohle ba tjhelete ba emetseng ho thuswa le ha o sa ba thuse ka nako eo. Ba botse hore na ba se ba thusitswe kapa tjhe le hore na o ka ba thusa na. Ha o se o thusa moadimi wa tjhelete, bososela, mo dumedise ka ho re dumelang, kopa tshwarelo ha e le moo ba ile ba ema nako e telele mme ha eba ho tshwaneleha o ka ipolela lebitso. Ha re etsa mohlala: Dumelang, Ke mohau haholo ha le ilem la ema nako e telele. Nna ke Dineo (kapa mofumahadi Mohatlane), nka le thusa ka eng kajeno Bonahala o phuthulohile mmeleng mme o phahamise lentswe hantle feela?
Botsa lebitso la moadimi wa tjhelete mme o nne o le bitse kgafetsa puisanong ya lona. Hlokomela hore qapodiso ya mantswe ke e nepahetseng.
Bopa setswalle se itseng le moadimi wa tjhelete ka ho buisana le yena ka ho qoqa ka bokgutshwanyane ha eba ho hlokeha jwalo. Letsatsi le tjhebile hamonate ka ntle ka mona, na ebe ha ho jwalo?
Eba le thabo, o se kgetholle, o be le lerato mme o be le kamohelo e ntle ho baadimi ba tjhelete.
Bonahala o le motho wa maemo a shebahalang a seprofeshenale mme ya nang le kamohelo e tletseng lerato ka nako tsohle.
O se ke wa dumella batho ba bang ho utlwa dipuisao tsa sephiri, e le ka founu kapa pakeng tsa basebeletsi ka bobona. Sebedisa kelello ya hao ka moo o bonang ditaba ka teng. O se ke wa araba mohala wa hao wa thekeng pele o kopa moadimi wa tjhelete mme o be o kope tshwarelo ha o se o qetile ho bua ka founu.
Fana ka lebaka ho moadimi wa tjhelete ha eba o lokela ho tloha tafoleng ya hao.
Mamela ka hloko mme o etse bonnete ba hore o botsa dipotso tse tshwanelehang bakeng sa ho fumana dintlha tsohle tse phethahetseng. Etsa bonnete ba hore o fela o utlwisisa le ha ho ka tshwanela hore o fumane mofetoledi kapa mohlalosi hore a thuse. Etsa bonnete ba hore o utlwisisa taba eo ba e hlahisang pele o ka qala ho e rarolla.
Thusa baadimi ba tjhelete bohle ka tlhompho mme o se tadime baadimi ba tjhelete ho ya ka tjhebahalo ya bona. Thusa baadimi ba tjhelete bohle jwalo ka baadimi ba ka nnang ya eba baadimi ba Kgauta.
Iphe nako ho hlalosetsa moadimi wa tjhelete hobaneng ha kadimo ya hae ya tjhelete e sa amohelwa.
Ha eba moadimi wa tjhelete a sa tshwanele ho fumana kadimo ya Koporo, Siliferakapa Kgauta, o ka fetisetsa moadimi eo wa tjhelete mokgahlelong o ka tlasenyana (Koporo ho ya Boemong ba phahaphahameng). Iphe nako e lekaneng ho thusa moadimi wa tjhelete wa boemo ba tlhahiso ya bohlokwa ka ho fetisisa esita le bona boemo bo tla tshwanela ditlhoko tsa hae hantle.
Boipelaetso bohle bo lokela ho rarollwa ke Molaodi wa Lekala.
O se ke wa beha molato ho karolo e nngwe ya Banka kapa ho Ofisi ya Bolaodi e phahameng. O lokela ho arabela bothata boo mme o eme lehlakoreng la moadimi wa tjhelete ha eba ho hlokeha jwalo.
Kgothaletsa baadimi ba tjhelete ho tlatsa foromo ya dipotso tsa dipatlisiso mme ba e lahlele Lebokoseng la Ditlhahiso hona moo lekaleng.
O se ke wa kgathatsa motho ya sebetsang le wena ha a ntse a thusa moadimi wa tjhelete.
qob a ho etsa mosebetsi o sa amaneng le baadimi ba tjhelete ka lebaka la baadimi ba tjhelete ba emeng moleng.
Qetella dipuisano tsa haho le moadimi wa tjhelete ka ho mo leboha mme o mmitsa ka lebitso le ka ho hlahisa sengolwa se ngotsweng hore: Eba le letsatsi le monate?
Tsebiso tsa taolo ya mehala hore o hloleha ho amohela mehala e kenang.
O se ke wa tlohela founu e kwetswe kapa e lla ho se ya arabelang.
Kopa tshwarelo ho moadimi wa tjhelete ha a ile a tshwara mohala nako e telele ha founu e ile ya lla nako e telele ka phoso.
Bososela ha o araba mohala.
Banka ya Naha Lekala Dumela. Na nka o thusa Ho ka sebediswa dipuo tse fapaneng tsa Maafrika ha eba ho hlokeha jwalo?
Dumela, Ipolele lebitso, Nka o thusa ka eng. Ho ka sebediswa dipuo tse fapaneng ha eba ho hlokeha jwalo.
O ka botsa baadimi ba tjhelete Ke bua le E le hore o tle o tsebe mabitso a bona hantle?
Botsa lebitso la moadimi wa tjhelete mme o be o nne o le sebedise kgafetsa puisanong ya lona. Hlokomela hore qapodiso e nepahetse.
O se ke wa emisa motho ya o letseditseng mohala nako e telele O mphe ba botse hore na o ka ba letsetsa hape kapa mohlomong o ka nka molaetsa.
Etsa bonnete ba hore o ngotse dintlha tsohle tsa molaetsa ka nepo.
Fetisa melaetsa nakong ya metsotso e mashome a mararo ka mora hoba o e fumane (melaetsa ena e akaretsa molaetsa o ngotsweng o beilweng tafoleng ya motho ya itseng).
Etsa ditshepiso tse ka phethahalang ha eba o hloleha ho rarolla bothata ka potlako. Sebedisa boitsebelo ba hao ba tshebetso ena bakeng sa ho fana ka matsatsi a ho kwala. Ha eba maemo a hlobaetsa, o lokela ho lebisa taba ho Molaodi wa Lekala.
O lokela ho ba le boikarabelo bakeng sa ditletlebo tsohle ho fihlela di ba di rarollwa. O se ke wa romella mmoloki wa tjhelete lekaleng lefe kapa lefe ha e se feela ha ho hlokeha jwalo.
Tsebisa baadimi ba tjhelete ka nako le nako malebana le boemo boo tletlebo e leng ho bona.
O se ke wa romella moadimi wa tjhelete ofising ya Molaodi ya phahameng. Ka nako le nako ba romele ho Setsha sa Tlhokomelo ya Baadimi ba tjhelete nomorong ena ya mohala: 0800 00 52 59.
Ha o se o qetile ka thuso eo ya ho rarolla bothata, o ka botsa: Na ho sa na le ho hong hoo nka le thusang ka hona kajeno?
Kopa tshwarelo ha eba kopo ya hae e ke ke ya phethwa mme ka mehla o ba thuse hore ba ka fumana thuso hokae. Mohlala, Boemong bo hodingwana (mokgahlelo o ke keng wa ba le bothata).
Ntsha mangolo a ka lebokoseng la ditlhahiso veke le veke.
Molaodi wa Lekala o lokela ho hlokomela dintlha pele a romella manane a dipotso tsa dipatlisiso Ofising ya Bolaodi ho a hlahlojwa.
O lokela hore ebe o se o lokile bakeng sa kgwebo hang ha ho bulwa.
O se ke wa potlakisa baadimi ba tjhelete ka nako eo ho kwalwang ka yona mme le basebeletsi le bona ba lokela ho kgothalla ho sebetsa ho thusa baadimi ba tjhelete le ha nako ya ho kwala e se e fetile.
Baadimi ba tjhelete ba lokela ho hlokomelwa le ho thuswa nakong ya metsotso e leshome le metso e mehlano ka mora hoba ba fihle lekaleng. Ha eba baadimi ba tjhelete ba lokela ho ema nako e telele, ba tsebise hore ba tla ema nako e kae mme o be o ba kope tshwarelo.
Ho lokela hore ka letsatsi le letsatsi ho be le nako ya metsotso e leshome bakeng sa Puo ya Kwetliso ya Basebetsi (e etswa ke Molaodi wa Lekala) mme e etswa pele lekala le ka bulwa.
Ho sebetsa ho feta tekanyetso.
Letsetsa baadimi ba tjhelete ho na le hore o ba ngolle mangolo.
Hlahlobisa tshebediso ya kwahollopuo le mopeleto e le hore ho se be le phoso ya letho ngollanong.
Ho se ke ha ba le mangolo a romelwang baadiming ba tjhelete a ngotswe ka letsoho.
Sebedisa dingola tse nang le dintlha tsa ho ikamahanya le lekala ka tlase. Hlahloba hore dintlha tseo tse hlahellang ka tlase di nepahetse mme di ntse di ka sebediswa.
O se ke wa sebedisa dingola tsa kgale, dipampiri tse nang le aterese ya lekala, dienfelopo, jwalojwalo.
Kgwatha dikhomphutha hore di sebedise mopeleto wa Senyesemane (sa Afrika Borwa) Dikopanong tsa Bolaodi kapa Dikopanong tsa Lebatowa.
Hlokomela hore dimemorandamo di sebedisetswa ngollano ya lehae feela.
Latella ho fumana dintlha malebana le dikadimo tse fediswang esita le baadimi ba tjhelete ba lefang tjhelete yohle e le ho hlakola dikadimo tsa bona.
Mosebeletsi ya neng a na le boikarabelo bakeng sa kadimo (ha eba a le teng) o lokela ho ikopanya kapa hona ho letsetsa moadimi wa tjhelete e le ho fumana lebaka leo ka lona a lefang kadimo ya hae yohle mme a be a mo kgothaletse ho pheta ho adima tjhelete hape.
Ho lokela ho etswa mekutu yohle ya ho baballa baadimi ba tjhelete.
Romela lenane la dipotso tsa dipatlisiso le ngollano ya ho qetela ho baadimi ba hlakolang kapa ba lefang tjhelete ya dikadimo tsa bona yohle.
Lekala ka leng le lokela ho totobatsa matshwao a dumeletsweng ke khamphani ka hare ho lekala le ka ntle.
Ho lokela ho totobatswe dinako tsa tshebetso.
Dipapatso di lokela ho ba boemong bo lokileng. Matshwao a khomphutha esita e matshwao a ngotsweng pampiring mme a maneilwe mamating kapa maboteng ke dintho tse ke keng tsa dumellwa mme di lokela ho tloswa e le hore ho behwe ditshwantsho tse ngolehileng hantle.
Ho se ke ha sebediswa sekgomaretsi bakeng sa ho pepesa matshwao kapa ditshwantsho.
Matshwao a ka hare a lokela ho dula a hlwekile mme a le boemong bo lokileng.
Basebetsi ba pepese mabitso a bona ka nako tsohle.
Ka hara lekala ho se ke ha tsujwa, ho ja kapa ho nwa mme hona ho lokela ho tsejwa ke baadimi ba tjhelete ka nako tsohle lekaleng lena lohle.
Boloka dibaka tsohle tsa tshebetso tse pepeneneng ho bonwa ke baadimi ba tjhelete di hlwekile mme di le boemong ba seprofeshenale.
Mabota a lekala a lokela ho dula a hlwekile mme a kganya.
Difoluru di hlwekiswe ka tshwanelo.
Mabone a dule a sebetsa. Dibaka tsa tshebetso di dule di bonesitswe hantle ka kganya e kgotsofatsang.
Dimela di hlweke. Ho se be le dipalesa tsa maiketsetso dibakeng tseo ho sebeletswang ho tsona.
Ho be le diolamolora tse lekaneng dibakeng tseo ho sebeletswang ho tsona.
Dibaka tsa basebetsi le tsona di hlweke ka nako tsohle.
Mosebeletsi e mong le e mong wa lekala a hlokomele tsela eo lekala le lokelang ho tadingwa ka yona mme a leke ho boloka maemo a seprofeshenale ka nako tsohle. Basebetsi bohle ba apare seaparo sa mosebetsi.
Dibukana tse lekaneng tsa tataiso di lokela ho bolokwa hantle ka makgethe dibakeng tsa tshebetso.
Ere ka ha re dumela hore tshwaro e ntle ya baadimi ba tjhelete ke ntho ya bohlokwa bakeng sa tswelopele ya Banka ya Naha, sengolwa sena se tla lokela ho sebediswa ka nako tsohle.
Basebetsi bohle ba thusang baadimi ba tjhelete ba lokela ho kwetliswa ho latela Lenaneo la Tshebetso e Ntle la bakwetlisi ba batho ba sebetsang hammoho. Baetapele ba lehae ba tshebeletso ya baadimi ba tjhelete ba tla ntshetsa pele lenaneo lena. Hona ho tla etsa hore re kgone ho fihlella sepheo sa rona sa tshebetso.
Ha eba o sa tsebe hore Moetapele wa hao wa Tshebeletso ba Baadimi ba tjhelete ke mang lekaleng la heno, ikopanye le rona.
Ikopanye ka bolokolohi le Lefapha la Thekiso le Dipapatso ha eba o na le dipotso malebana le ditaba tsena tse boletsweng ka hodimo.
<fn>sot_Article_National Language Services_DIKAMANO PAKENG TSA D.txt</fn>
Thuto ya Mahlale a Phedisano e kenyelletsa dithuto tsa Nalane ha mmoho le Jokorafi e leng dithuto tse lekanang ka bohlokwa mona Thutong ena. Ho qala ka Nalane mme o latele ka Jokorafi ha ho bolele hore Nalane ke yona e bohlokwa ho feta Jokorafi.
Sepheo sa dithuto tsa Mahlale a Phedisano ke ho fa setjhaba tlhahisoleseding, le etsa hore batho ba kgone ho bona botle le bobe, mmoho le ho etsa hore batho ba be le boikarabelo, le hore ba bapale karolo ya bohlokwa ka hara setjhaba se nang le mefuta e fapaneng ya batho, hape ebile se fetofetoha ka pele. Dithuto tsena di ikemiseditse ho etsa hore baithuti ba kgone ho bapala karolo ya bohlokwa ka hara Afrika Borwa ya kgotso ya demokrasi. Ka tsela ena, dithuto tsa Mahlale a Phedisano di bapala karolo ya bohlokwa hore batho ba utlwisise le ho fetola setjhaba mmoho le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba utlwisise hore ba na le boikgethelo ho tlisa diphetoho tse ntle maphelong a bona.
Dipehelo tsa Molaotheo di fana ka motheo wa dithuto tsa Mahlale a Phedisano. Ho etsa mohlala, dipehelo tsena di bohlokwa ho etsa hore motho a utlwisise le ho shebana le ditaba tse amanag ditokelo tsa botho le tikoloho Afrika Borwa. Dithuto tsena di lokela ho tlisa diphetoho bathong le tikolohong ka ho thusa baithuti hore ba sebedisa dipehelo tse fumanehang ho Molaotheo maphelong a bona le a batho ba bang ba phelang le bona.
Ha ho shebanwe le dithuto tsa Nalane mmoho le Jokorafi, ho tshwanela ho shejwe kgahlamelo eo dintho tse kang semorabe, bong, maemo, hore o motho o tswa naheng efe, le dipolao tsa batho ba bangata, di bileng le yona nakong ya pele le ya kajeno. Tsena ke dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho shejwa e le karolo ya ho fetola setjhaba le tikoloho. Ka ho etsa jwalo, baithuti ba tla tseba ka dintho tse kang dikamano tsa matla a boetapele, matla a dipolotiki a sebediswa jwang, ditaba tse amang bong, le hore ditaba tsena tsohle di bile le kgahlamelo efe maphelong a batho nakong ya pele le hona jwale. Ditaba tsena di fumaneha haholo ho Sephetho sa ho Ithuta sa 3 dithutong tsa Nalale le Jokorafi. Dithutong tsa Nalane tsa kereiti ya 9 ho toboketswa ditaba tse amang ditokelo tsa botho.
Naha e atlehileng, e kopaneng ya demokrasi e bile e kgonang ho phehisana le dinaha tse ding tsa lefatsehe, ka setjhaba se tsebang ho bala le ho ngola, se nang le bonono, se kgonang ho bona phapang pakeng tsa botle le bobe mme se bile se phela bophelo bo bottle, bo se nang merusu, kgethollo le lonya (Pampiri e Tshweu ya Thuto ya 1995).
Diphetho tsa mantlha tse supileng ha mmoho le diphetho tse hlano tsa ntshetsopele ke letoto la diphetho tse tswang ho Molaotheo mme di fumaneha ho Molawana wa Dithuto wa Afrika Borwa wa 1995.
Ho bona le ho rarolla mathata mmoho le ho nka diqeto ka ho nahana ka tsela e tebileng.
Ho sebetsa ka bokgabane le sehlopha, mokgupi, mosebetsing kapa setjhabeng.
Ho itlhophisa le ho tsamaisa maphelo a bona ka boikarabelo le ka tsela e nepahetseng.
Ho bokella, ho manolla, ho hlophisa le ho sekaseka tlhahisoleseding ke tsela e tjhatsi.
Ho buisana ka tsela e loketseng ka ho sebedisa disebediswa tsa ho bona, tsa sesupo le/kapa bokgoni ba puo ka ditsela tse fapaneng.
Ho sebedisa Mahlale le Thekenoloji ka tshwanelo le ka tsela e bontshang boikarabelo ditabeng tsa tikoloho le maphelong a batho ba bang.
Ho bonthsa kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka sebaka seo dintho tse ngata di amanang ho sona ka ho utlwisisa taba ya hore ditsela tsa ho rarolla mathata di amana ka ditsela tse ngata.
Ho ba baahi ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba sa bona, ka hara naha le lefatseheng ka kakaretso.
Ho ba le kutlwisiso e loketseng ya botjhaba ha mmoho le bonono maemong a fapaneng a bophelo.
Ho sheba ditaba tse amang thuto le ditaba tsa mosebetsi.
Ho hodisa menyetla ya bona ya tsebo ya kgwebo.
Bongata ba diphetho tsena bo tshehetswa ka ditsela tse fapaneng ho ya ho ile Dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Ho tea mohlala, baithuti ba kgothaletswa ho rarolla mathata, ho etsa diqeto, ho ntlafatsa tsela eo ba nahanang ka yona, ho sekaseka le ho tsamaisa tsebo le tlhahisoleseding.
Tafole e hlahellang ka tlase e bontsha kamano pakeng tsa Diphetho tsa ho Ithuta tsa Nalane le Jokorafi dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Diphetho tsa ho Ithuta di toboketsa ho ithuta ka ho botsa dipotso, ntshetsopele ya tsebo le bokgoni bo lebisang dipehelong tsa Dithuto le ho ithuta mathata a nakong e fetileng, ya hona jwale, le e tlang. Diphetho tsa ho Ithuta di a amana maemong ao di sebediwang ho ona. Hape di fana ka sebopeho sa tsela ya ho ruta phaposing ya sekolo.
Dipetho tsa ho ithuta di a tshwana mephatong yohle.
Moithuti o tla kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng mabapi le ditaba tsa setjhaba le tikoloho.
Maemo a Tekolo a supa tswelopele ntshetsopeleng ya dintlha, tsebo, bokgoni le tsamaiso ya dintho ho tloha kereiting ho ya ho e nngwe mephatong e fapaneng. Maemo ana a hlalosa bonyane ba tsebo e lebelletsweng ya mosebetsi kapa kakaretso ya tsebo ya mosebetsi sephethong ka seng le kereiting ka nngwe. Tsebo ya baithuti ya mosebetsi mabapi le diphetho tsa ho ithuta e itshetlehile tabeng ya hore ana moithuti o kgona ho etsa ka moo ho thweng a etse ka teng Memong a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisisong le ho bokgoni boo moithuti a ithutileng bona mophatong o fetileng.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetotse tsela eo Nalane le Jokorafi di rutwang ka yona. Ho botsa dipotso ha mmoho le ho nahana ka tsela e fatisisang ke hwa bohlokwa dithutong tsa Nalane le Jokorafi mme tsena di bohlokwa haholo ntshetsopeleng ya baithuti jwalo ka baahi ba nang le boikarabelo naheng ya rona ya demokrasi. Maemo a Tekolo dithutong tsa Nalane le Jokorafi a shebane le ditaba tsa ho nka lehlakore, mme hape a shebane le ditaba tse ileng tsa siellwa ka morao ha ho ne ho phetwa kapa ho ngolwa ditaba tsa kgale. Ditabeng tsa nalane, Sephetho sa ho Ithuta sa 3 se shebane le tsela eo ditaba tsa kgale di ileng tsa fetolwelwa/utlwisiswa ka teng, ha mmoho le dintho tse kang diphedisano ka ditsela tse fapaneng le boitsebo ba setjhaba bo nang le tshusumetso phetolelong ya Nalane. Dithutong tsa Jokorafi teng, Sephetho sa ho Ithuta sa 3 se shebane le ditaba tse fapaneng tsa tikoloho, hape se shebane le tema ya ho se lekalekane ha batho, bofuma, ho se utlwane ha batho mmoho le tikoloho, ho kenyelletswa ha ditshwanelo, bong, ditlhoko tsa setjhaba, moruo le dipolotiki. Ditaba tse amang boitsebo le titokelo tsa botho le tsona di kenyelleditswe dithutong tsa tsebo ya Mahlale a Phedisano. Ka tsela eo, maemo a tekolo le bokgoni di tsamaisana le dipotso tsa bohlokwa tse botswang ha ho shebanwe le ditaba tsa tsebo tse tshwanela ho bontsha toka phedisanong ya batho, ditokelo tsa botho le ho akaretsa batho kaofela. Ho botsa dipotso tsa bohlokwa ho molemo hore motho a tle a be le tsela e ntle ya ho nahana.
Kgaolo ya bohlano ya Dipolelo tsa Thuto ya Mahlale a Phedisano e fana ka toboketso ya metheo ya tsebo.
Diphetho tsa ho ithuta, Maemo a Tekolo mmoho le toboketso ya motheo ya tsebo di a amana mme di bile di a sebedisana.
Ho fa baithuti kutlwisiso e akaretsang ya tsebo ya bohlokwa, dintlha le bokgoni, pono, le mehopolo ebang ba ke ke ba tswela pele ka dithuto tsa Nalane le Jokorafi ha ba feta kereiti ya 9.
Ho tseba moo Afrika Borwa e leng teng kontinenteng ya Afrika le lefatsheng ka kakaretso ka tsela e bontshang katamelano ho ena le karohano.
Hore dithuto tse ding di lokela ho rutwa mephatong ya Thuto le Thupelo e Tswellang (FET).
Ho fana ka nalane e tebileng ya Maafrika Borwa.
Ho fana ka kutlwisiso e batsi ya sebaka le ho fihlellwa ha disebediswa mmoho le toka ditabeng tsa tikoloho dithutong tsa Jokorafi.
Ho fana ka tjhadimo e lekaneng ditabeng tse akaretsang, mesebetsing ya ho ithuta le tekolo ya kamano e teng pakeng tsa dithuto tsa Mahlale a Phedisano le Dithutong tse ding, haholoholo tse kang Mahlale a Tlhaho, Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso, Bonono le Botjhaba, Dipuo le Tlwaetso ho tsa Bophelo.
Maemo a Tekolo a etseditswe ho etsa bonnete ba hore Diphetho tsa ho Ithuta di a fihlellwa. Bokgoni le tsebo e lokelwang ho fihlellwa ke e boemong bo tlase, mme e lokela ho kenngwa tshebetsong ditabeng, mehloding ha mmoho le maemong a tebileng haholo.
Tsebo ya bohlokwa ya mantlha e fumanwang setjhabeng sa rona sa batho ba fapafapaneng e lokela ho toboketswa.
O kgona ho arola pakeng tsa maikutlo a nnete le tlhahisoleseding [ho fetolela ditaba ho tswa mehloding].
Ho hlophisa ditjhaba tsa Afrika: dinaha tse nang le borena Afrika e ka borwa mmoho le ho hahlaula, le kgatello ho tloha nakong ya ngwahakgolo wa leshome le metso e mene ho ya ho ile.
O kgona ho hlokomela diphephetso tse hlahellang ka hara ditjhaba le tadimo ya ho nama ha mafu.
Ho nama ha mefuta ya mafu, ho kenyelletswa le kholera (bophelo le ho phela hantle ha setjhaba.).
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho bona mehlodi (khr. Ho hlokomela ho nka lehlakore, ho siella dintlha ka morao).
Toboketso ya tsebo kereiting ya 9 e ditabeng tsa ditokelo tsa botho.
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho bona mehlodi, mohlala, ho hlokomela ho nka lehlakore, ho siella dintlha ka morao.
Toboketso ya tsebo e tla ba ho ntshetsopele e tswellang (ho nyelletsa bohle/tsohle).
Sepheo sa rona dithutong tse maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho etsa dithuto tsa Nalane le Jokorafi. Ho etsa Nalane le ho etsa Jokorafi phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere ba sebetsa ka disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi?
Dithuto tsa Mahlale a Phedisano di shebane le seo baithuti ba ithutang sona.
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothalletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona, ba ntse ba shebile le taba ya ho tiisa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe le mehlodi ya ditaba le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona?
Thuto ena e itshetlehile ho etseng diphuputso, e leng se ka nnang sa nka dibopeho tse fapaneng ka dinako tse ding. Ha ho hlokehe hore ebe tsela e thata jwalo ka mephatong e ka tlase. Le a ho le jwalo, tsela ena e lokela ho supisa baithuti ho sebedisa bopaki, ho bona tsela eo phehisano e tsamayang ka teng le hore ba fuwe monyetla ho lekola tsela eo ba etsang dintho ka yona, ho bona mehopolo ya ba bang le ditsela tseo ba rarollang dintho ka yona. Metako e ka tlase e supa ka botlalo hore diphuputso di ka etswa jwang, e leng tsela e ka sebediswang maemong a fapaneng a ditaba, hape e leng tsela e ka lokelang baithuti maemong a fapaneng a ho ithuta ha bona. Metako ena e supa ka moo tsebo le bokgoni ba ho hlokomela dintho di ka ntshetswang pele ka teng.
Hobaneng re lokela ho ithuta ka see?
Re utlwa eng ka se buuwang?
Ke mang e mong ya ikutlwang ka matla ka se buuwang?
Maikutlo a bona ke afe?
Re batla ho tseba eng?
Re tla bokella ditaba jwang?
Qeto eo re ka e fihlelang ke efe?
Bopaki bo tshehetsang qeto ee ke bofe?
Ho ka etswang ka se fumanweng diphuputsong?
Ho ka nkuwa mehato efe?
Mohopolo wa ka o fetohile jwang?
Ho lokela hore baithuti ba fuwe diphephetso ka dinako tsohle hore ba fihlele bokgoni ba bona.
Ho lokela hore baithuti ba kgothaletswe ho iqalla le ho ipotsetsa dipotso ka bobona.
Ha ho kgoneha, sebedisa dintho tsa nnete ha o ruta baithuti: dintho tseo ba ka di bonang mme ba di tshwara, ditaba tsa nnete le mehlodi ya nnete ya dintho tse bonahalang. Batla dintho tse ratwang ke baithuti. Dintho tsena di lokela ho bua le moithuti bakeng sa titjhere. Boranalane ba ka sebedisa dintho tsa nako ya kgale. Batho ba Jokorafi ba ka sebedisa dintho tse kang mmapa, ditshwantsho le dikoranta.
Bala mehlodi e mmalwa ka botebo bo boholo. Ho lokela hore ho hlokomelwe ha ho kgethwa mehlodi hore e be e nang le ditaba tsa bohlokwa. Bopa ditabakgolo tse nyenyane ka botebo. Ho ithuta ha nnete ho ba teng ha baithuti ba fuwe monyetla wa ho fuputsa ka botebo ho ena le hore ba okole ditaba ka hodimo.
Moo ho kgonehang ho bohlokwa hore mehlodi e sebediswe e le jwalo ho ena le hore e fetolwe ka sepheo sa ho e nolofatsa. Le ha ho le jwalo, sena se bolela hore matitjhere a tla lokela hore a no sebetsa le baithuti hore mehlodi e fumanehe. Kgetha mehlodi eo ba tla e rata.
Ho tshwanela hore baithuti ba kgone ho bua ka seo ba se badileng ho ba bang sekolong le ka ntle ho sekolo.
Tshebediso ya dipotso tsa bohlokwa e bohlokwa hore baithuti ba kgone ho bopa tsela e loketseng ya ho nahana ka ho botsa dipotso. Dipotso tsena di fa moithuti tsela ya ho nahana jwalo ka motho ya tsebang Nalane kapa Jokorafi, mme di bontsha hore dipotso tsena ha di hahe tsebo ya ho fuputsa feela, empa hape di haha tsebo ya puo le bokgoni bo bong.
E hokae/e ne e le hokae?
Hobaneng e ne e le jwalo?
Hobaneng e le tjee?
Ho tlile jwang e be tjee?
E fetotswe ke eng?
Moralo o ka tlase o bontsha mehlodi e fapaneng e ka sebediswang dithutong tsa Nalane le Jokorafi ho Mahlale a Phedisano.
Dithutong tsa Nalane re sebedisa dintho tse itseng ho utlwisisa ditaba tsa kgale. Dintlha tse bontshitsweng ho Maemo a Tekolo ke tsona tsa mantlha thutong ya Nalane. Ha baithuti ba ithuta ka ditaba tse amang tsebo, ba tla kopana le ditaba tse ding tse kang mmuso, palamente, dibaka tsa diindasteri, demokrasi, bokomonisi le bongangele.
Tsela eo ditaba di latellanang ka yona le tsela eo diketsahalo di amanang ka yona e bohlokwa dithutong tsa Nalane. Tokodiso ke tsela eo diketsahalo tsa kgale di hlophiswang ka yona mme e fana ka lesedi la diketsahalo tsa kgale. Baithuti ba banyenyane ba lokela ho ba le bokgoni ba ho hlophisa nako ka tatellano ya diketsahalo. Mephatong e tlase sena se ka etswa ka ho lokodisa diketsahalo tseo moithuti a di tsebang kapa diketsahalo tsa letsatsi ka tatellano. Mephatong e hare teng ho kenyelletswa mehlala e thatanyana e tla fanwa, e kang ditshwantsho tse tharo kapa tse nne. Ka mohlomong baithuti ba ka kotjwa ho hlalosa mabaka a etsang hore ba hlophise ditshwanthso ka tsela eo.
Ho tshwana ha dintho ha ho bolele hore dintho tseo ke ntho e le nngwe. Ho bolela feela tshwano e hlahang ka ditsela tse itseng.
Phetoho le tswello di ka fuputswa ha ho etswa dipapiso tse hlahang ka mora nako e itseng. Tswello e utlwisiseha ka thata ho feta phetoho.
Phetoho Phetoho ke eng?
Tswello Ho nkile nako e kae?
Ha re sheba tsela eo dintho di fetohang ka yona re lokela ho sheba sesosa ha mmoho le ditlamorao tsa teng. Ho batla ho ba thata ho hlokomela ditaba tsa sesosa le ditlamorao dithutong tsa Nalane.
Sesosa Hobaneng see se etsahetse?
Ditlamorao Sephetho e ile ya ba sefe?
Bala ditokomane le baithuti ba Mophato o Mahareng motjhining wa projektha ya leboteng. Baithuti ba mophato o phahameng bona ba ka kgona ho itshebeletsa ka ditokomane ba le bang kapa ka bobedi.
Baithuti ba baholwanyane bona ba ka fuwa dipotso tsa bohlokwa ka ho bala tokomane. Sena se bolela hore ba tla bala tokomane ka boikemisetso.
Buisana le baithuti ka mantswe ao ba sa a utlwisiseng kapa o fane ka letoto la tlhaloso ya mantswe a tsamayang le tokomane.
Botsa dipotso kapa o kgothalletse baithuti ho botsa dipotso mabapi le tokomane ya bona. Bona ebang ka baithuti ba ka fana ka dikarabo ka bobona.
Dipale ke mohlodi wa bohlokwa wa ditaba tsa kgale. Baithuti ba lokela ho rutwa ho botsa batho dipotso. Ho botsa batho dipotso ho ka sebediswa e le mohlodi wa ditaba tse buuwang phaposing ya sekolo.
Ha se ditaba tsohle tse ka hopolwang mme ka lebaka leo motho a ka nna a kgetha hore a se ke a bolela sohle seo a se hopolang.
Le ha e le mona mehlodi ya molomo e sa tshepahale ka botlalo, e ntse e le bohlokwa, ka ho bontsha hore batho ba ne ba ikutlwa jwang ka diketsahalo tsa kgale le hore batho ba hopola diketsahalo tsena jwang.
Mehlodi ya molomo e lokela ho shebisiswa le e meng.
Setshwantsho see se ka mpolella eng ka batho, sebaka kapa diketsahalo tse hlahellang ho sona?
Ebe setshwantsho see se bontsha nako eo se neng se nkuwa ka yona kapa se entswe moraonyana?
Ke ditaba dife hape tseo ke lakatsang ho di tseba ka sethswantso see kapa seo se di bolelang?
Baithuti ba lokela ho bala le ho botsa ka dintho ebang ba tla di sebedisa e le disebediswa tse tla ba thusa ho utlwisisa nalane. Ho sebetsa ka dihlahiswa tsa bonono ho etsa hore motho a kgone ho hlokomela dintho?
E entswe ka eng?
E tlile e le jwalo kapa ke ya maiketsetso?
Ebe e fetotswe kapa e lokisitswe?
E entswe jwang E entswe ka matsoho kapa ka motjhini?
E kile ya sebedisetswa mosebetsi o mong?
Ke ya kgale bo bokae Re a tseba hore e entswe kapa e entswe neng?
Ebe re a tseba hore e tswa kae le hore e fumanwe kae?
E bonahala e le ya kgale Ebang ho le jwalo, ke hobaneng?
E radilwe hantle E kgabisitswe?
Ebe ho sebedisitswe disebediswa tse loketseng?
Na o rata tsela eo e shebehang ka yona?
Ebe batho ba bang ba a e rata?
Boleng ba yona bo bokae Bathong ba e entseng?
Bathong ba neng ba e sebedisa?
Bathong ba e bolokang?
E fumaneha mophatong ofe Ebe e o bolella ho hong ka sebaka seo e fumanehang ho sona?
Ebe sebaka se o bolella ho hong ka moelalo wa yona?
Thuto ya Jokorafi e shebane le kutlwisiso ya dikamano tse fumanehang pakeng tsa batho le tikoloho dibakeng le dinakong tse fapaneng. Ke mahlale a shebaneng le tshekatsheko ya dikamano pakeng tsa batho le tikoloho lefatsheng. Dikamano tsena di na le ho fetoha ha nako e ntse e tsamaya ka tlasa mabaka a fapaneng. Ka dinako tse ding diphetoho tsena di bakwa ke maemo a dipolotiki kapa tsela eo disebediswa di sebediswang ka teng kapa kgetho ya batho ka ho fapana. Ditaba tsena di tshophodi, mme di hloka manollo e ikgethileng ebang re batla ho utwlisisa hore lefatshe le fetoha jwang, le hore le fetolwa ke eng. Ho bohlokwa hore baithuti kaofela ba be le kutlwisiso ya dintho tsena hore ba tle ba sebedise bokgoni ba bona ho shebana le diphetoho le ho tlisa phetoho ka tsela ya tshwanelo.
Tsebo, bokgoni le ditsela tsa ho phela tse tswang maemong a tekolo ke tsebo ya mantlha, bokgoni le ditsela tsa ho phela tse fumanehang dithutong tsa Jokorafi.
Batho, dibaka, disebediswa le tikoloho.
Baithuti ba Mophato o Mahareng ba tla qalella ho utlwisisa hore ke hobaneng batho ba phela dibakeng tse fapaneng le hore kgahlamelo ya batho e ka ba efeng dibakeng tsena. Mophatong o phahameng teng, baithuti ba tla utlwisisa dikamano tsena ho ya pela, mme hape ba tla di hlalosa ba bile ba nahana ka tsela e manollang. Ditlwaelo tse sebediswang karolong ena di tla thusa baithuti ho hlokomela ditshwano tse itseng tseo ba kopanang le tsona maphelong a bona a letsatsi le letsatsi. E tla ba thusa hape ho hlalosa hore ke hobaneng ditlwaelo tsena di le teng, le hore ke hobaneng tse ding tsa ditlwaelo tsena di tshwanela ho fetoha, kapa di fetolwe ka tsela e itseng.
Ditlwaelo tse hlahellang sebakeng di a fetoha ha nako e tsamaya. Hore re tle re utlwisise hore ke hobaneng ditlwaelo di le teng, le hore ke hobaneng di fetoha ha nako e tsamaya, baithuti ba lokela ho utwlisisa hore ho tlile jwang ditlwaelo tsena di tlise diphetoho tseo re di bonang kajeno. Ho tea mohlala, ho ka hlokeha hore baithuti ba hlalose hore ho tlile jwang setjhaba se ahe tulong e itseng le hore setjhaba seo se se se phela jwang nakong eo.
Dipapiso di sebedisetswa ho hlalosa ho tshwana kapa ho fapana ho bang teng ditlwaelong tse hlahellang dibakeng le ditikolohong tse fapaneng.
Dinako le diketsahalo di tlwaetse ho hlaloswa ho ya ka sesosa le ditlamorao tsa tsona.
Sesosa Hobaneng see se etsahetse Se etsahetse hokae?
Ditlamorao sephetho e bile sefe Sephetho se etsahetse hokae?
Tshebediso e batsi ya mehlodi e matlafatsa thuto, ho ithuta le tekolo. Le ha ho le jwalo, ho fa moithuti ditaba tse ngata haholo ho ka nna ha mo lahlehisa. Setshwantsho se ka tlase se fana ka mehlala ya mehlodi e fapaneng ya ditaba e fumanwang dithutong tsa Jokorafi mme se hlalosa hore mehlodi ena e ka manollwa jwang. Mehlodi ena e lokela ho kenyelletswa ditseleng tse fapaneng ha ho etswa Lenaneo la Thuto.
Setshwantsho se ka tlase se supa ditsela tse fapaneng tsa ho bala tse fumanwang dithutong tsa Jokorafi ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumana bokgoni bo lekaneng. Ditsela tsena di lokela ho kenyelletswa mephatong e fapaneng ya Lenaneo la Thuto ho etsa hore baithuti ba fumana bokgoni ba mefuta e fapaneng e ka lekolwang.
Baithuti ba lokela ho bona lefatshe la ba potapotileng ka mahlo a bona. Ke botle ho qala ka tikoloho e haufi le bona. Hape ke botle ho kopanya Nalane le Jokorafi ka tsela e tlwaelehileng. Mosebetsi wa ka ntle ho sekolo ha o a lokela ho ja tjhalete e ngata haholo. Hape mosebetsi ona o ka etswa ntle le tshitiso ya mosebetsi wa sekolo.
O hlophisitse lenane la mesebetsi e tla etswa.
Ho etela dibaka le ho sebetsa ka hara setjhaba ha di a lokela hore ebe titjhere kapa setsebi se kgethilweng se lekola feela mme e rute batho ka seo a se bonang.
Ho bohlokwa ho tataisa baithuti ka hore ba nahane ka seo ba se bonang le seo ba se etsang ha ba tsamaetse ka ntle ho sekolo. Pampitshana ya lenane la mesebetsi e tshwanela ho hlabolla monahano le pono ya bona mme e ba thuse ho hlokomela ditaba tse sa kang tsa hloloseha hantle.
Ebe e lebisa tlhokomelong e tobileng ya se itseng?
Ebe dikarabo di molemo?
Ebe e etseditswe ketelo ee le baithuti baa?
Ebe e lebisa mosebetsing o kang ho taka, ho fihlela qeto kapa ho batla bopaki?
Ebe dipotso di dumella motho ho araba ka bolokolohi kapa di a tlama?
Ebe baithuti ba lokela ho nahana ka ketelo ya bona ka ho botsa hore ba ile ba thabelang ho fetisisa mme ba fana ka mabaka a seo kapa ka ho botsa hore ke eng eo ba sa e rateng ho fetisisa mme ba fana ka lebaka la seo.
Dipotso tse kang jwang hobaneng efe neng di fana ka dikarabo tse betere ho feta ditaelo tse kang etsa?
Dikarabo di lokela ho fana ka diketsahalo tse fapaneng: taka, lekanya, etsa qeto, jj.
Mosebetsi wa tlatsetso o etswang sekolong ho matlafatsa bokgoni, mehopololo le ditaba tse fumanweng ketelong ya baithuti o bohlokwa.
Ebang e le hore baithuti ba bile le pampitshana ya lenane la mesebetsi ba kgothalletse ho sebedisa ditaba tseo ba di fumaneng ho etsa diphuputso tse ding hape.
Ebang e le hore baithuti ba kotjwa ho ka ditaba tsa ketelo ya bona, ba tataise hore ba shebane le ditaba tse ikgethang tsa sebaka seo ba se etetseng ho ena le hore ba fane feela ka ditaba tsa letsatsi.
Baithuti ba ka kotjwa ho ngola, ho etsa mmapa, ho taka, ho sebedisa metako kapa ditshwantsho ho bolella baithuti ba diphaposi tse ding ka leeto la bona.
Baithuti ba ka iketsetsa meusiamo wa phaposi ya bona kapa ba iketsetsa dipontsho.
Mosebetsi wa tlatsetso o ka kopanngwa le ditaba tsa botjhaba le Bonono. Baithuti ba ka etsa ditema, bonono, ba iketsetsa ditshwantsho, ba taka ha ba le leetong.
Sepheopheo sa ho ho hlahloba baithuti e tshwanela e be ho hodisa le ho ntshetsa pele bokgoni ba motho, ho lekola tswelopele ya baithuti le ho tiisa ho ithuta ha bona.
Tlhahlobo e bohlokwa thutong e itshetlehileng ka diphetho hobane ho hlokeha hore ho bonahale ebang moithuti a fihletse se hlokehang kereiting ka nngwe.
Ho tshepehala, ho loka, e tsamaye ho latela bokgoni ba moithuti mme e fane ka menyetla e ekeditsweng.
Ditlhahlobo di lokela ho thehwa ho tswa ho Maemo a Tekolo a mosebetsi ka mong wa tlhahlobo. Maemong a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano a tsamaisana ka ho otloloha le dithuto tsa Nalane le Jokorafi mme a tla ba bohlokwa haholo ha ho shejwa hore moithuti o sebeditse jwang ho fihlela Sephetho sa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo a kereiti ka nngwe. Sephetho sa ho Ithuta le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di etseditswe hore di sebediswe mmoho ka hobane di a buisana. Le ha ho le jwalo, bakeng sa ditlhahlobo teng, tlhahlobo e ka nna ya etswa hore e bontshe sesosa le ditlamorao dithutong tsa Nalane le tsebo ya mmapa dithutong tsa Jokorafi. Ka tsela eo, tlhahlobo e ka tobana le Maemo ana a Tekolo. Ka dinako tse ding Maemo a mmalwa a Tekolo a ka hlahlojwa mosebetsing o le mong.
Hape ho tla ba le nako moo diketsahalo (tse kang mosebetsi o kopanetsweng) le bokgoni ba ho pheta di tla hlahlojwa mme mehlala ya dipehelo tse ka sebediswang di ka fumanwang bukaneng ya Dipehelo tsa Tlhahlobo tsa Mahlale a Phedisano ya Lefapha la Thuto.
Pampiri e Tshweu ya 6 ya ditlhoko tse Ikgethang tsa Thuto: Ho aha Tsela e kenyelletsang bohle ya Thuto le Thupelo e thehilwe mohopolong o motjha wa thuto le thupelo. Ho nyelletswa ha bohle ho shebane le dipehelo tsa Molaotheo tsa phihlello, ho lokisa botjha, tekatekano le thuto ya boleng bo phahameng ho bohle. Tsela ena e ntjha ya ho nahana e hlakisa taba ya hore baithuti ba lokela ho rutwa le ho hlahlojwa ka hara kharikhulamo le maemo a le mang a tekolo. Ka bokgutshwanyane, leano la kenyelletso ke tsela ya ho sutha mokgweng wa ho kgetholla ho ya mokgweng wa tshehetso. E na le seo e se bolelang ka ho lekana bakeng sa ho ithuta le ho ruta mme e hlahella ka tsela e latelang boemong ba thuto.
Kharikhulamo ke seipone se bontshang hore ho etsahalang sekolong le phaposing ya sekolo. Ebang baithuti ba ithuta dikharikhulamo tse fapaneng, sena se romela melaetsa e fapaneng ka maemo a bona sekolong, e le baithuti kapa e le batho. Boteng ba baithuti phaposing ya sekolo ha bo netefatse ho nka karolo ha bona mesebetsing ya sekolo kapa ya phaposi ya sekolo. Ho akaretsa ho ka nna ha ba teng, empa sena ha se bolele kenyeletso.
Hantlentle kenyeletso ke taba e tobaneng le kharikhulamo ka hobane dikharikhulamo di na le ho baka ditshitiso tse kgolo tsa ho ithuta le ho siellwa ka ntle ha baithuti ba bangata, e bang ba le dikolong kapa dibakeng tse ikgethileng kapa tsa tlwaelo.
Tsamaiso, khr. tlhokeho ya disebediswa tse tlwaelehileng le tsa bohlokwa tsa ho ruta, tsa ho thusa, disebediswa tse haellang sekolong, diphaposi tse tletseng haholo, jj, puo.
Tse amang phedisano, khr. bofuma bo boholo, ho ingodisa ka mora nako sekolong, merusu, batho ba anngweng ka HIV/AIDS.
Mehopolo, dintho, le mantswe di fetiswa ka puo. Tshebediso ya puo e bohlokwa ha ho rutwa le ha ho ithutwa Mahlale a Phedisano hobane e lebisa kutlwisisong ya rona ya dintho tse thata. Kutlwisiso ya tsona e ka itshetleha tsebong ya puo ya tlatsetso ya ho ruta le ho ithuta. Baithuti bana ba ka sitiseha haholo ke puo eo ba rutwang ka yona. Ho fedisa mathata ana baithuti ba lokela ho fuwa monyetla o mong le o mong wa ho bontsha kutlwisiso ya bona ya mantswe le dintho tse itseng meqoqong le dipuisanong tsa moithuti le titjhere. Ho tshwanela hore ho kgothaletswe phetolelo ya mantswe puong ya moithuti ya lapeng.
Dintho tse sa thabiseng bohle di dula di le teng dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Dintho tsena di hlahiswa hobane di ka nna tsa tsamaisana le moithuti kapa tsa fana ka bohlokwa kapa kgahleho e itseng. Dintho le kutlwisiso di atisa ho hlakiswa ka ditsela tse itseng, tse kang dipale. Le ha e le mona dintho tse sa ratweng ke bohle di kgothalletswa dithutong tsa Mahlale a Phedisano, di lokela ho shejwa ka tsela e hlomphang baithuti kapa bahlokomedi le batswadi ba bona. Dintho tse ngata tsa mofuta ona di ka tadingwa ho ipapisitswe le tsela ya phuputso moo dintho tse kang ho kgetha lehlakore, ho bona dintho ka leihlo le le leng feela, kapa ho hlaka ka tsela eo o etsang dintho ka yona di kgothalletswang ha ho batlwa nnete. Dintho tse sa ratweng ke bohle di fana ka monyetla o motle wa hore baithuti ba ithute ditaba tse ba amang, le hore ba di hlalose ho latela kutlwisisano ya bona le baithuti ba bang, le hore ba kgone ho nahana hantle ntle le ho nkuwa ke maikutlo, e leng se atisang ho etsahala ha ho ithutwa dithuto tse amanang le tsena.
Mahlale a phedisano a hlokomedisa moithuti ka mehlodi e mengata ya dintho tse bonwang tse kang ditshwantsho, divediyo, mmapa, le tse ding tse takilweng. Mehlodi ena ya ditaba e fana ka mathata a maholo baithuting ba sa bonang hantle. Ho siya moo, baithuti ba sa utlweng ka ditsebe ba ka nna ba kopana le mathata ha ba botsa batho dipotso kapa ha ba fuputsa ditaba ka disebediswa tse hlaokang motho ya utlwang. Baithuti ba sebedisang ditulo tsa mabidi bona ba ka kopana le mathat ha ba sebetsa mosebetsi wa ka hara setjhaba. Titjhere e lokela ho hlokomela ditshitiso tsena mme e etse matsapa a ho dumella baithuti ho nka karolo mesebetsing ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Ho lokela ho nanahnwa ka ditsela tse ding tsa ho fihlella sepheo sa titjhere tse kang ditshwantsho ebang e le hore di ke ke tsa hlaloswa ka botlalo, le ha e le mona le tsona di sa kgone ho kgotsofatsa ditsela tsohle.
Mosebetsi wa ka ntle ho sekolo o a kgothaletswa dithutong tsa Mahlale a Phedisano hobane di thusa moithuti ho bona lefatshe leo ba phelang ho lona mme hape o dumella baithuti ho botsa dipotso le ho qala diphuputso tse itseng. Le ha e le mona ho sa lebellwa hore baithuti ba ka tsamaya sebaka se itseng ho tloha sekolong, ho tla tshwanela ho hopolwe hore mesebetsi e meng e kang ho etela meuseamo kapa polasing o ka hloka hore ho lefuwe tjheletenyana e itseng. Le ha ho le jwalo, sena ha se a tshwanela ho sitisa baithuti ho tswedisetsa pele morero wa bona. Ditaba tse amang mosebetsi wa ka ntle ho sekolo di ile tsa angwa ka botlalo karolong ya 2.4.12.
Sephetho sa ho Ithuta sa 1 dithutong tsa Nalane le Jokorafi ke sephetho se tla sebediswa makgetlo a mangata hobane se fana ka motheo wa diphuputso ho Mahlale a Phedisano.
Maemo ohle a Tekolo a lokela ho alwa/hasakanngwa ka dilemo tse fapaneng.
Tsepamiso ya maikutlo tsebong e lokela ho hlophiswa ho ya ka selemo ho latela dibeke tsa ho ruta.
Nahana ka mehlodi eo o tlang ho e sebedisa ho etsa hore ho ithuta ho be molemo.
Nahana ka nako e hlokehang ho etsa diteko.
Nahana ka maeto a ka ntle ho sekolo a ka etsasng hore dithuto tsa sekolo di utlwisisehe hantle. Ebe a lokela ho tshwarwa ka nako e itseng ya selemo?
Nahana ka mesebetsi e itseng ya sekolo e ka bang le kgahlamelo nakong ya ho ruta le ho ithuta.
Lokoloha ha o rala morero wa selemo hobane ho ka ba le dintho ntse ding tse fanang ka thahaasello le ha e le hore di ne di sa rerwa.
Dikamano pakeng tsa Diphetho tsa Ho Ithuta, Maemo a Tekolo, mmoho le Tsepamiso ya Tsebo dithutong tsa Mahlale a Phedisano.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a Nalane le Jokorafi, a hlahellang Polelong ya Dithuto tsa Mahlale a Phedisano e tla ba ona ao o qalang ka ona ha o rera Lenaneo la ho Ithuta. Ka morao ho moo Tekolo ya Tsebo e ka arolwa ka dihlooho tse fapaneng tseo ho ithuta le thuto ho tla tsepamiswa ho tsona. Sehlooho sa thuto e tla ba sona seo maemo a tekolo a tlang ho tsepamiswa ho sona.
Ha o qeta ho kgetha sephetho sa ho ithuta le maemo a tekolo o lokela ho kgetha mookotaba ho tswa maemong a tsepamiso ya tsebo. Kgetho ya mookotaba e ka boela ya lebisa ho kgethweng ha Maemo a mang a Tekolo. Dithutong tsa Nalane le Jokorafi ka bobedi, ho hopolwa hore mosebetsi le ha e le ofe feela wa ho ithuta o tla fumana maemo a tekolo ho tswa diphethong tsohle tsa thuto ka ha e le mona di nkuwa di amahantswe.
Ho etsa mohlala, ha o shebane le sehlooho sa Nalane se kang tswelopele ya pele ya Afrika (Ekgepeta/Nubia) kereiting ya 5, o ka hloka ho bona hore ke tsepamiso efe ya tsebo eo o lokelang ho shebana le yona. Sena se kenyelletsa dipotso tsa hore tswelopele ke eng, Ekgepeta/Nubia e hokae, re bolela nako efe ha re bua ka Ekgepeta/Nubia ya maswetso, bohlokwa ba noka ya Nile, dintho tse ding tse bontshang setjhaba sa Maekgepeta tse kenyelletsang temo, tswelopele ya ditoropo, diphiramiti, ho ngola, baruti, ditempele, jwalo jwalo.
Hapehape o ka nna wa akaretsa Maemo ohle a Tekolo a Sephetho sa ho Ithuta sa 1 (Nalane) sebedisa matsatsi le mantswe a kang ngwahashome, ngwahakgolo mabapi le ho tsamaya ha nako mme o a hlophise ka tshwanelo. Hape o ka netefatsa kakaretso ya Maemo a bobedi a Tekolo a Sephetho sa ho Ithuta sa 3 lekola o be o kgethe dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona hore o di tsebise ba mophatho wa hao le meuseamo wa sekolo?
Ha selemo se ntse se tsamaya, o tla lokela ho netefatsa hore Maemo ohle a Tekolo a kereiti ka nngwe a fihleletswe.
Ho na le dikamano tse ngata pakeng tsa Nalane le Jokorafi dithutong tsa Mahlale a Phedisano tse hlahellang ho Diphetho tsa ho Ithuta, Maemo a Tekolo mmoho le ho kgetho ya dihlooho tsa tsepamiso ya tsebo. Hohle moo ho kgonehang o lokela ho kgohalletsa dikamano tsena.
Hape ho tla ba le dikamano tse ngata tse lokelang ho etswa pakeng tsa Mahlale a Phedisano le dithuto tse ding tse kang Bonono le Botjhaba, Mahlale a Tlhaho, Tlwaetso ho tsa Bophelo, Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso. Bongata ba tsona bo tla bonahala ho tsepamiso ya tsebo eo o e kgethileng.
Ho rera mmoho le basebetsi ba bang ho tla dumella matitjhere ho shebana le dikamano tse hlahellang pakeng tsa dithuto tse hlahellang mophatong ka mong le ho etsa Mananeo a ho Ithuta a tsamaisanang hantle.
Menyetla e kang mosebetsi wa ka hara setjhaba, ho etela ditsha tse fapaneng, diporojeke, ho ithuta, mmoho le mesebetsi e meng e jwalo, di lokela ho shejwa ka kopanelo le matitjhere a rutang dithuto tseo.
Lenaneo la ho Ithuta le hlalosa ka ho otloloha hore ho lebelletswe sephetho sefe sa ho Ithuta le hore Maemo a Tekolo e tla ba afe mmoho ho le tsepamiso ya tsebo e lokelang ho fihlellwa mophatong ka mong. Ha mananeo ana a behwa mmoho mephatong e meraro, lenaneo lena le fetoha mmapa wa se tla ithutwa ka nako ya dilemo tse 9 tsa mophato wa Thuto e Akaretsang.
Ha ho ralwa morero wa selemo, sheba hore selemo se na le dibeke tse kae tsa ho ruta. Ho na le dibeke tse ka bang 40 tsa ho ruta kereiting ka nngwe Mophatong o Bohareng. Ha o qeta moo, arola tsepamiso ya tsebo ya Nalane le Jokorafi ka dihlooho. Re fana ka mohlala wa Mophato o Bohareng.
Ho etsa mohlala, ho na le dihlooho tse ka bang nne tsa Nalane le tsa Jokorafi tsa kereiti ya 5.
Tswelopele ya maswetso ya Afrika?
Tswelopele e le nngwe ya maswetso e ikarolang ho tse ding lefatsheng ka bophara, khr.
Dikamano pakeng tsa dihlahiswa tsa tlhaho le diketso tse amang moruo (tse kang merafo le ho hlahisa dintho) Afrika Borwa.
Setjhaba: ho hasana le ho kgobokana ha setjhaba naheng ya Afrika Borwa.
Bophelo le ho phela ha setjhaba.
Jwale fana ka nako e lekanang sehloohong ka seng morerong wa hao wa selemo. Jwalo ka ha e le mona ho ena le dibeke tse ka bang 30 tsa ho ruta kereiting ya 5 le dihlloho tse ka bang 8 tseo ho ka buuwang ka tsona, sehlloho ka seng se lokela ho fuwa dibeke tse ka bang 4. O ka nna wa lokisa morero wa hao ho ya ka moo o hlokang ka teng.
Jwalo ka ha ho bontshitswe ka hodimo, o lokela ho kgetha Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a loketseng bakeng sa sehlooho ka seng. Hopola ho etsa matsapa a hore Maemo ohle a Tekolo a a akaretswa. Ho etsa mohlala, Sephetho sa ho Ithuta 2 (Nalane) sa kereiti ya 5 se etswa ka tsela e latelang: Moithuti o tla kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya Nalane. A mang a maemo a tekolo a tsamaisanang le sena a hlahella tjena: o fana ka mabaka mme o hlalosa diphetho tsa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba neng ba phela ka yona maemong a itseng. Ha o phetla maqephe a tsepamiso ya tsebo ya kereiti ya 5 ho Nalane, ho buuwa ka dithuto tsa tswelopele ya maswetso (Ekgepeta/Nubia), hape le dintlha tsa bohlokwa tse amang ditjhaba tsena tse kang tema e bapetsweng ke tikoloho phedisanong le tseleng eo ditjhaba tsena di sebedisang dihlahiswa ka yona. Ka tsela eo, ho bohlokwa hore motho a utlwisise ho phalla ha noka ya Nile selemo le selemo le hore ke hobaneng sena se thusa ho ntshetsa pele tlhahiso ya dijo ka tsela ena, le hore ho bolokwa ha dijo ho ne ho sa tlwaeleha ka dilemo tsa 1900BC. Sena se ka bapiswa ha bonolo le batho ba Khoi-Khoi ba neng ba phela ka dimela tsa mahwatateng hobane dijo tse nkang nako e telele di ne di sa tuma ho bona. Ho tseba hore ditjhaba tsa pele di ne di itlhophisa jwang, haholoholo setjhaba sa Manubia.
Se latelang ke diqotso tsa merero ya selemo e bontshang sehla sa 1 sa kereiti ya 5 ya Mahlale a Phedisano. Sena e mpa e le mehlala feela, ha se molao.
Titjhere e nngwe bakeng sa Nalane le Jokorafi, a fapanyetsa dithuto tsa Nalane le tsa Jokorafi.
Matitjhere a mabedi, e mong ke wa Nalane mme e mong ke wa Jokorafi moo dithuto tsena di rutwang ka nako e le nngwe, ka tsela ho sebediwa halofo ya nako beke ka nngwe ha ho bapiswa le ho A le B.
Sethwantsho se ka tlase se bontsha dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho elwa hloko ha ho rerwa dithuto.
Ho bohlokwa ho hopola hore Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo di tshwanela ho bontsha tsepamiso ya tsebo.
Morero wa thuto ke karolo e momahaneng ya mosebetsi/karolo/sehlooho kapa bongata ba dithuto. Merero ya thuto e ka fapana ka bolelele ho tloha thutong e le nngwe ho ya o tse ngata, mme e kenyelletsa tlhahlobo. Ho na le mehlala ya merero ya thuto ho karolo ya 5.
Dipheo tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo di bohlokwa ha ho rutwa le ha ho ithutwa.
Ditlhahlobo mmoho le ditsela tsa ho hlahloba di se di rerilwe.
Baithuti ba tla tseba ditebello tseo o tlang ho ba hlahloba ka o ipapisitse ka tsona pele ba qala ka mosebetsi.
Ka bokgutshwanyane, ho rera nako e sa dumela ho o dumella hore tsamaise thuto ya ka phaposing ya sekolo hantle. Ho fanwe ka mehlala e mmedi ya ditsela tsa ho rera thuto karolong ya 4. O tla kgetha e nngwe hara tsena kapa ho iketsetsa ya hao.
Setshwantsho se ka hodimo se bontsha se lokelang ho etswa ha ho rerwa thuto. Mohlaleng o mong, diphetho le Maemo a Tekolo di se di fanwe mme di hloka feela hore di tshwauwe pampiring eo di hlahellang ho yona. Mohlaleng o mong teng, di tla ngolwa mmoho le ditaba tse ding. Kgetho e hlahellang ho tsepamiso ya tsebo ke tsela eo Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a ka hlahiswang ka yona.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo: Thutong e tsamayang ka diphetho, baithuti ba sebeletsa ho fihlela Diphetho tsa Thuto e itseng. Maemo a Tekolo a bontsha boemo boo baithuti ba bontshang tsebo ya bona ya diphetho mme hape a bontsha tsela e latelwang ke thuto.
Dipotso tsa Bohlokwa di tla shebana le dintho tsa bohlokwa, mathata, dihlooho, le bokgoni bo lokelang ho fihlelwa. Matitjhere le baithuti ba ka botsa dipotso tse itseng tsa bohlokwa. Hona ke qaleho e loketseng tseleng ya ho iketsetsa diphuputso tsa Sephetho sa hi Ithuta 1 dithutong tsa Nalane le Jokorafi.
Mesebetsi ya ho Ithuta e lokela ho kgethwa hore e fane ka tsebo, bokgoni, le kutlwisiso e hlalositsweng ho Maemo a Tekolo. Ho bohlokwa ho dumella baithuti ho ba le menyetla e mengata hore ba fumane bokgoni bo hlokehang. Fapanya mesebetsi ya ho ithuta hore baithuti ba nang le ditsela tse fapaneng tsa ho ithuta ba fumane monyetla.
Ditlhahlobo ke mesebetsi e etseditsweng ho hlahloba le ho rekota mosebetsi/bokgoni ba moithuti mabapi le Diphetho tsa ho Ithuta. Mesebetsi ena ha e a fapana haholo ho e meng, empa di arolwa ho e meng bakeng sa ditlhahlobo. Mesebetsi e ikgethileng ya ho hlahloba le yona e ka nna ya etswa. Baithuti ba sebetsang le titjhere ba ka fana ka dikarolo tsa mosebetsi wa tlhahlobo.
Matshwaoa tswang mesebetsing ya ditlhahlobo. Ke mesebetsi ya bohlokwa feela e tla ngolwa pampering ya tlhahlobo. Pampiri ya ho rekota diphetho e fapana ho ya ka dikolo le diprovense.
Ho tlalehela baithuti ka sephetho sa mosebetsi wa bona ho bohlokwa bakeng sa tswelopele ya moithuti. Hape ho bohlokwa hore re tlalehe mosebetsi wa moithuti makgetlo a mangata ho bohle ba amehang. Motheo wa tlaleho o itshetlehile katlehong ya moithuti ho fihlella Maemo a Tekolo mmoho le Diphetho tsa ho Ithuta. Ho tlaleha ho lokela ho totobatsa hore jwale moithuti o se a le hkae le hore ho tshwanela ho lokiswe hokae. Ho tshwanela hore ho kgonehe ho hlalosa ditlaleho o ipapisitse ka bopaki bo bokelletwseng hara selemo mme ba behwa mosebetsing wa moithuti.
Tjhadimo ke ntho ya bohlokwa ho titjhere le ho moithuti. E thusa titjhere ho hlokomela dikatleho tse fihlelletsweng therong ya thuto. Hape e lokela ho bontsha dikarolo tse sa kang tsa sebetsa ka tshwanelo. Hape tjhadimo e lokela ho fana ka ditsela tsa hore ho ka lokiswa hokae selemong se latelang. Sena se ka kenyelletsa dikgothaletso tse itseng mabapi le ho fetola Maemo a itseng a Tekolo, kgetho ya tsepamiso ya tsebo mesebetsi ya ho ruta le ho ithuta. Mohlala wa pampiri ya tjhadimo o a fumaneha karolong ya 4. Baithuti ba tshwanela ho kgothalletswa ho shadima mosebetsi wa bona le ho iketsetsa dipehelo tsa nako e tlang.
Mophato o mahareng o bohlokwa hobane o sebediswa ke sehlopha se itseng sa baithuti ho tloha dilemong 8-14 ho kereiti 4 6?
Ba angwa ke maikutlo ke ka moo diketso tsa bona di tshwarang ba bang.
Ba qalella ho hlokomela bohlokwa, ho lakatsa le dintho tse buuwang ke ba bang.
Ba kgona ho etsa dintho ka kopanelo ha ba le bangata ka tsela e bobebe.
Ba thabela dintho tse ntjha tseo ba iketsetsang tsona.
Ba qalella ho ba le takatso ya ho nka karolo ya dithuto tsa bona.
Ho batla ho kgotsofatsa tjantjello ka tsa lefatshe ka ho iketsetsa diphuputso ka bobona.
Ho ba le boikemisetso le ho tseba tsamaiso.
Ho tseba haholo ho batlisisa, ho tshwantsha le ho shebisisa hantle.
Baithuti ba MOPHATO O MAHARENG, ba qala ho nahana ka tsela e hatetseng pele, ha ho bapiswa le menahano ya bona mophatong o tlase: tswelopele e bonahala ho hoba le bokgoni le ho etsa dintho ka ho nahana pele o etsa ketso. Ba ka nahana tsela tse fapaneng menahanong hape ba kgona ho lokisa tsela ya ho etsa dipatlisiso.
Tsela eo ba etsang dintho ka yona e a hola le ho nahana tsela tse ngata tsa ho etsa dintho ho ba thusa ho bona le ho hlalosa dintho tse bobebe tse kopanang mahareng a dintho, ha eba ntho eo e kenyelletsa dintho tseo ba di sebedisitseng kapa ba kopaneng le tsona. Baithuti ba kereiti 4 ba kopana le mathata ho hopola dintho ka ho latellana. Ba ka nahana tsa pele le tsa ho qetela tse etsahetseng, empa ba hopole tseo le tseo mahareng. Baithuti ba kereiti 6, ba ka hopola tatellano e etsahetseng ha ba fetola tsela eo ya ho etsa dintho.
Mohlala, moithuti a ka lokisa, a sebedisa kelello le menahano, ka moo mahlasedi a fetohang bolelele le moo a shebileng, mahareng a ha ho hlaha letsatsi le ha le dikela.
Ba na le bokgoni bo betere ba puo le hore ba bona betere. Sena se ba dumella tsela e hodimo ya ho lokisa mehopolo.
Mohlala , baithuti ba MOPHATO O MAHARENG ba tseba phapang pakeng tsa ho qhibidiha le qhibidihile kapa mahareng a tauli e omang le metsi a tjheleng.?
Bokgoni ba puo ena bo bontsha tsela e hodimo ya ho tseba dintho.
Ba kgona ho nahana ka moo ba bonang dintho ka teng le ho hlokomela mme ke hona ba kgonang bona dintho tse akaretsang le tema e bapalwang ke thekenoloji maphelong a batho.
Karolo ena e fana ka dipehelo ho aha Lenaneo la ho ithuta mophatong o mahareng. Ditsela tse tharo tsa ho etsa Lenaneo la ho ithuta di hlalositswe. Ha o etsa Lenaneo la ho ithuta, SHEJULI YA MOSEBETSI kapa morero wa mosebetsi, ho bohlokwa ho hopola hore tekolo le ho boloka mosebetsi wa moithuti di etswa kaofela e le e nngwe ya dintho tse ahwang.
Ka ha dipehelo ho fanwe ka tsona ke lefapha la thuto la naha, diprovense di tla etsa dipehelo ha ho hlokeha ho etsetsa hore batho bohle ba kgone ho di utlwisisa.
Dikolo di ka batla palo le mokgwa o akaretsang Lenaneo la ho ithuta o tsamaelanang le seo ba se etsang sekolong. Lenaneo la ho ithuta le tlameha ho etsa hore diphetho tse kgethuweng tsa TIKOLOHO YA HO ITHUTA di etswa ka botshepehi le ka tsela e ntle.
Le ha e le mona ho ena le diphetho tse robedi, ho bohlokwa ho hopola hore tsebo ha e hlahelle ka tsela e le engwe. Ho na le ho kopana mahareng le tikolohong YA HO ITHUTA.
Ha o rera ho bohlokwa ho sebedisa diphetho tikolohong YA HO ITHUTA e nngwe ho phahamisa TIKOLOHO YA HO ITHUTA e nngwe.
Kamano ena e ka bontsha ho kopana ho itseng empa ha e a tlameha ho ba kamano e qobelletsweng ho etsetsa feela hore ho be teng kamano TIKOLOHO YA HO ITHUTA.
Titjhere e le nngwe e tlameha ho ruta kaofela tikoloho ya thuto ka phaposing ya sekolo.
Titjhere e le nngwe e tlameha ho ruta kaofela tikoloho ya thuto tse ka hodimo ho e le nngwe ho dikereiti tse fapaneng.
Titjhere e le nngwe e ruta ditikolohong tse ngata le dikereting tse ngata.ho ka nna ha ba le di tlhophiso tse itseng dikolong ka ho fapana.
Ditsela tsena tse boletsweng di tla thusa ho lokisa mathata haholoholo hobane matitjhere a tla iketsetsa mananeo ho ithuta.
Ho a utlwisiseha hore ditikoloho tsa ho ithuta tsena bobedi ba tsona di tlameha ho sebediswa mophatong O MAHARENG . Hape puo le dipalo e tla ba di fapane Lenaneo la ho ithuta. Ho bohlokwa ho bolela le ho boloka mabaka. Matitjhere a tla boloka tsela eo baithuti ba sebeditseng ka yona kgahlano le Diphetho tsa ho Ithuta le DIPEHELO TSA TEKOLO tse kgethwang ho etsa mosebetsi.
Ho kopanya tikoloho ya thuto ho tlamehile ho kenyelletse tsebo, bokgoni, mohopolo le boitshwaro sephethong le tikolohong e nngwe le engwe.
Diphetho tsa ho Ithuta di na le pehelo ya tekolo e shebaneng le kereiti e nngwe le e nngwe le ha ho rera ho qala ka Diphetho tsa ho Ithuta ntho ya bohlokwa ke tsela eo di DIPEHELO TSA TEKOLO di kopanang, tse ding di ka qhalakanngwa le di DIPEHELO TSA TEKOLO ho tse ding Diphetho tsa ho Ithuta. Tsebo ya TIKOLOHO YA HO ITHUTA le mehopolo, mehopolo kapa dihlooho ha se qaleho ha o rera kopano. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa ho fumana katleho ho diphetho le hore di bonwe e le tseding tsa ho rera.
E nngwe le e nngwe tikoloho ya thuto e na le mehopolo ya yona le tsebo ya teng, empa ho fumana katleho ya tsebo ka bo yona kantle ho bopa bokgoni bo tswelletseng ha se ntho e batlehang ho OBE.
Titjhere o tseba TIKOLOHO YA HO ITHUTA hakaakang ho etsetsa ho di kopanya le ho di hlahloba hantle.
Seriti sa TIKOLOHO YA HO ITHUTA se tshwanela ho bolokwa.
Ho rera tekolong ho etsuwa e le karolo ya ho rera mesebetsi. Ho bohlokwa ha o di kopanya ho phatlalla le tikoloho. Ho bohlokwa ho thibela mosebetsi o mongata ho thusa le ho ruta maikutlo a matitjhere a hore ba etsa tekolo haholo.
Le hore nako e sebediswang e tlamehile e tsamaelane le molao wa mmuso.
Tsela tse fapaneng tsa ho ruta le ho ithuta di ka sebediswa ho thusa se etswang ka phaposing ya sekolo.
Ho sebedisa disebediswa tse teng ho tlameha ho hlophiswa le ho disebediswa tse seng teng empa di hlokeha di tlameha ho batlwa mme ho fanwe ka tsona.
Tsela tse latelang tse ka sebediswang ho boletswe hore di ka kopanngwa Diphetho tsa ho Ithuta mananeong la ho ithuta, re ntse re hopola hore puo le dipalo ke di fapane lenaneong la ho ithuta. Ho hlophisa ho kopanya Lenaneo la ho ithuta, ho qala ka ho sheba le ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta tse tsamaelanang le tikoloho ya thuto tse kopantsweng le ha o hlophisa ho tloha ho Lenaneo la ho ithuta ho ya ho tlhophiso ya dithuto, matitjhere a qala ka ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta le dipehelo tsa thuto.
Hona ho bolela hore tikoloho ya thuto ke mananeo a ho ithuta ho na ha ho bolele hore ha hona menyetla ho Lenaneo la ho ithuta ho di kopanya, haholoholo ha eba ho nyollwa thuto, ho ruta le tekolo.
Ka boikgethelo bona matitjhere a ka batla ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta le DIPEHELO TSA TEKOLO tikolohong YA HO ITHUTA . Matitjhere a hlahloba tsela eo bana ba sebeditseng ka yona le di DIPEHELO TSA TEKOLO le ho fana ka diphetho kgahlano le Diphetho tsa ho Ithuta.
Mahlale a Tlhaho le thekenoloji.
Thuto ka tsa setjhaba le bonono le botjhaba, kapa le ha ele motswako ofe wa tikoloho ya ho ithuta.
Kgethong ena, bapisa Diphetho tsa ho Ithuta tsa ditikoloho tsena tse pedi tsa ho ithuta mme o kopanye dipehelo tsena tsa Tekolo ka tshwanelo. Ho na le mehlala e meng ya Lenaneo la ho ithuta le kopantsweng moo Diphetho tsa ho Ithuta di ka etsuwang di le ding.
Matitjhere ha a a tlameha ho ngola Diphetho tsa ho Ithuta kapa Diphetho tse ntjha tsa Tekolo. Ba hlahloba kgahlanong le dikarolwana tsa tekolo mme ba rekota Dipehelo tsena tsa Tekolo ho latela seo mosebetsi wa bona o tshwanelang ho tsamaya ka teng.
Ba tlaleha ditaba tsena mabapi le Diphetho tsa ho Ithuta.
Kgethong ena ho na le kopanyetso ya nako e kgutshwane dithutong kaofela moo ho fumanehang kamano ho Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo.
Thekenoloji le Bonono le Botjhaba (ho kopanya ka mekgwa e meng e fapaneng).
Matitjhere a hlahloba le ho rekota a ipapisitse le Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo a e nngwe le e nngwe ya Dithuto tse kopantsweng. Tlaleho e etswa ho ipapisitswe le Diphetho tsa ho Ithuta.
Setshwantsho se ka hodimo ke sona se tla o tataisa. Dibaka tse sirilweng di bontsha hore toboketso ke e nyenyane.
Lenaneo la ho ithuta: mohlaleng re fane ka tsela ya moqoqo eo ho ka sebetsanwang le Lenaneo la ho Ithuta ka yona, empa sena se ka ngolwa ka ditsela tse ding tse ngata. Se bohlokwa ke hore dintlha tsa bohlokwa di be teng.
Boemo (ebang e shebane le Thuto feela)?
Mesebetsi ya tlhahlobo hopola hore o tshwanetse o bonahale o ala mesebetsi ena e mehlano ya tlhahlobo e hlahelang Thutong?
Ha ho shejwa pele le morao?
Bopaki ba hore baithuti ba nang le ditlhoko tse ikgethileng le bona ba a hlokomelwa.
Mahlale a Phedisano a na le mekgwa e mmedi e totobetseng: Nalane le Jokorafi. Tsona di bohlokwa ka tsela e lekanang Thutong. Le ha ho le jwalo sena ha se bolele hore thuto e nngwe e bohlokwa ho feta e nngwe.
Mahlale a Phedisano a ikemiseditse ho etsa batho ba nang le tsebo, ba kgonang ho sekaseka taba le ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba se fetofetohang. Hape di ikemiseditse ho thusa baithuti hore ba nke karolo e bonahalang ho Afrika Borwa ya demokrasi. Ka tsela eo, Mahlale a Phedisano a lokela ho nka karolo ho tlisa kutlwisiso le ho fetola setjhaba le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba kgone ho iketsetsa diqeto bakeng sa diohetoho tse loketseng.
Maemo a Tekolo a bontsha tswelopele ho ntshetsopele ya dintho, tsebo, bokgoni le tsamaiso ho ya ka dikereiti tse fapaneng mephatong e fapaneng. Maemo ana a bontsha hore ho lebelletswe bokgoni bo bokae sephethong kapa sehlopheng sa diphetho tse fapaneng kereiting ka nngwe. Bokgoni ba baithuti ho Diphetho tsa ho Ithuta bo hlahlojwa ka hore na moithuti o kgona ho bontsha bopaki ba hore o kgona ho etsa dintho tse botswang ho Maemo a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisiso, mmoho le bokgoni bo fihletsweng mophatong o fetileng.
Mophatong o Tlase bokgoni bo tsamaisanang le Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a Mahlale a Phedisano di fumaneha ka hara lenaneo la ho ithuta la: Tlwaetso ho tsa Bophelo (bala tokomane ya Mophato o Tlase).
Ha e le Mophatong o Mahareng teng Mahlale a Phedisano a shebana le nalane ya sebaka kapa setereke mmoho le ditaba tse amehang tsa batho ba ahileng moo, disebediwa le ditshebeletso sebakeng seo, batho ba bohlokwa, nalane ya dipalangwang le maeto ho tsamayeng ha nako, ho hlahiswa ha dijo Afrika Borwa, ho fihlelleha ha dijo le metsi, mmapa, mmoho le ho fana ka mehlodi e akaretsang ya ditumelo tse kgolo tsa lefatshe. Kgetho ena ya tsepamiso ya tsebo e tswa mohopolong wa hore mona ho shebanwe le mothuti, thahasello eo a nang le yona ya ho ithuta phedisano ya batho ba kgale, mmoho le kutlwisiso ya sebaka seo a leng ho sona; ho tloha ho tse tsejwang ho ya ho tse sa tsejweng, e leng se tla mo fa kutlwisiso ya hore toropo ya habo e fumaneha ka hara provense le naheng efe. Dithutong tsa Jokorafi mmapa o bohlokwa haholo. Bonolo ba ho utlwisisa mmapa bo etsa hore baithuti ba hlokomele ka mokgwa oo dintho tse tshophodi di ka utlwisisehang ka teng ha motho a di shebile. Maeto a tlamang a ka ntle ho sekolo le ona a bohlokwa hobane a fa moithuti monyetla wa ho shebisisa ntho le ho mo fa monyetla wa ho sebedisa seo a ithutileng sona bophelong.
Mophatong o Phahameng Mahlale a Phedisano a shebane le ho fetofetoha ha batho ha nako e ntse e tsamaya, ditsela tsa kgale tsa kgwebo, ho tsamaela dibakeng tse fapaneng, demokrasi, Tsoho-matla ya Mafora, nako ya diindasteri, kgolo ya setjhaba le phetoho, taolo ya Manyesemane le phehisano ya bona, ho thehwa ha dikoloni, thekenoloji ya ngwahakgolo wa mashome a mabedi, (Ntwa ya Pele ya Lefatshe), tsa dipalangwang, ditaba tse amang ditokelo tsa batho le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Kgethollo e neng e le teng Afrika Borwa, ho se lekalekane ha batho Afrika Borwa, diphapang tsa setjhaba le tikoloho Afrika Borwa, nako ya Nutlelere, Ntwa e Batang, dikotsi tsa tlhaho, disebediwa tsa tlhaho, mmapa, ho dula ha setjhaba dibakeng tse fapaneng, ditsela tsa ntshetsopele, tshebediso e tswellang ya disebediswa.
Ha ho tluwa ho tlhahlobo: ditsela tsohle tsa tlhahlobo di tla etswa kereiting ka nngwe. Le ha ho le jwalo, ho lokela hore tlhahlobo kaofela e shejwe ke tsela e itseng, le ho etsa hore ho be teng tswello ho ya ka dikereiti mephatong e fapaneng.
Mabapi le disebediswa teng: ho bohlokwa thutong ena hore baithuti ba fumane disebediswa tse loketseng, ebang e le hore ke diatlelase, dibuka tsa nalane, mmapa, mabokose a tsa tikoloho, jj.
Sepheo sa rona maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho etsa dithuto tsa Nalane le Jokorafi. Ho etsa Nalane le ho etsa Jokorafi phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere ba sebetsa ka disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi?
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothaletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona ba ntse ba shebile le taba ya ho etsa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe ka mehlodi ya tlhahisoleseding le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona?
Sohle se boletsweng dirapaneng tse ka hodimo ke ho fana ka tjhadimo ya dintho tse lokelang ho etswa mananeong a itshetlehileng sekolong a ho ithuta. Sena se ka nna sa ba le dibopeho tse fapaneng khr. sebopeho sa tafole. O se ke wa lebala hore e kenyelletsa le shejuli ya mosebetsi. Ka tsela eo, o ka hlokomela hore sena se ka hodimo ke kakaretso eo e leng yona motheo wa shejuli ya mosebetsi, mme hape e tsamaelana le dithero tse etswang sekolong tse kang nako ya ho etela meusiamo le sehlopha sa hao sa baithuti, jj?
Ha ho ralwa shejuli ya mosebetsi, sheba hore selemo se na le dibeke tse kae tsa ho ruta. Ho na le dibeke tse ka bang 40 tsa ho ruta kereiting ka nngwe Mophatong o Bohareng. Ha o qeta moo, arola tsepamiso ya tsebo ya Nalane le Jokorafi ka dihlooho. Re fana ka mohlala wa Mophato o Bohareng. Ho etsa mohlala, ho na le dihlooho tse ka bang nne tsa Nalane le tsa Jokorafi tsa kereiti ya 5.
Tswelopele ya maswetso ya Afrika?
Tswelopele e le nngwe ya masetso e ikarolang ho tse ding lefatseng ka bophara, khr.
Dikamano pkeng tsa dihlahiswa tsa tlhaho le le diketso tse amang moruo (tse kang merafo le ho hlahisa dintho) Afrika Borwa.
Setjhaba: ho hasana le ho kgobokana ha setjhaba naheng ya Afrika Borwa.
Bophelo le ho phela ha setjhaba.
Jwale fana ka nako e lekanang sehloohong ka seng morerong wa hao wa selemo. Jwalo ka ha e le mona ho ena le dibeke tse ka bang 30 tsa ho ruta kereiting ya 5 le dihlooho tse ka bang 8 tseo ho ka buuwang ka tsona, sehlooho ka seng se lokela ho fuwa dibeke tse ka bang 4. O ka nna wa lokisa morero wa hao ho ya ka moo o hlokang ka teng.
Jwalo ka ha ho bontshitswe ka hodimo, o lokela ho kgetha Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a loketseng bakeng sa sehlooho ka seng. Hopola ho etsa matapa a hore Maemo ohle a Tekolo a a akaretswa.
Se latelang ke diqotso tsa merero ya selemo e bontshang sehla sa 1 sa kereiti ya 5 ya Mahlale a Phedisano. Sena e mpa e le mehlala feela ha se molao.
Titjhere e nngwe bakeng sa Nalane le Jokorafi, a fapanyetsa dithuto tsa Nalane le tsa Jokorafi.
Matitjhere a mabedi, e mong ke wa Nalane mme e mong ke wa Jokorafi mo dithuto tsena di rutwang ka nako e le nngwe, ka tsela ho sebediwa halofo ya nako beke ka nngwe ha ho bapiswa le ho A le B.
Lefatshe le metsi (J) Seph.
Ditswantsho tsa mmapa, dinotlolo, dipolane, mosebetsi wa keriti, ho fuputsa dingolwa le metjha (dibaka tse 8 tsa khampase), se tshwarehang/bonahalang, tsa dipolotiki, mmapa wa diprovense tsa Afrika Borwa. Ditaba tsa diprovense le ditoropo tse kgolo.
Ditswantsho tsa mmapa, dinotlolo, dipolane, mosebetsi wa keriti, ho fuputsa dingolwa le metjha.
Ditsela tsa ho nka karolo ho demokrasi(N)Seph.
Ho tsamaya le sehla sa dithuto.
Ho hasana le ho kgobokana ha ditjhaba Afrika Borwa le Afrika e ka borwa. Dintho tsa tlhaho le tsa phedisano tse amang ditjhaba tsena.
Kutlwisiso ya mmapa ho kenyelletswa le diseketjhe, ho ngola mmapa, ho sebedisa indekse.
Kutlwisiso ya mmapa ho kenyelletswa le diseketjhe, ho ngola mmapa, ho sebedisa indekse.
Motheo, thekenoloji le kgwebo, ditumelo, borui, tshebedisano le diqhwebeshano.
Motheo, thekenoloji le kgwebo, ditumelo, borui, tshebedisano le diqhwebeshano.
Tshebediso ya mmapa sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng?
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Ditsela tseo dihlahiswa tsa mantlha le tshebediso ya disebediswa le basebetsi dinaheng tse tswelang pele di tshehetsang dinaha tse ruilleng ka yona.
Tshebediso ya mmapa sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng?
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Tshebediso ya mmapa sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng?
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Mobu ho fela ha meru le ho nyamela ha dimela le diphoofolo.
Tshebediso ya mmapa sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng?
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Diphetho tsohle tse 16 tsa ho Ithuta Mahlaleng a Phedisano di dumella keyelletso mohlaleng ka mong. Lebaka la sena ke hobane Diphetho tsa ho Ithuta Mahlaleng a Phedisano di entswe ka tsela e etsang hore di dule di sebediswa mmoo ka dinako tsohle.
Ho ba le mathata ha motho a kopanya Dithuto tse pedi tse fapaneng. Taba ya pele, Thuto ka nngwe e etsedistswe hore e ikemele e le nngwe e bontsha tsela Polelong e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, mme ho kopanya dintho tse ngata ho ka lebisa moo Thuto e fellwang ke moelelo teng.
Le ha ho le jwalo, ho ka nna ha kopanngwa ka mokgwa o itseng le ha e le hore ho lokela hore ho kopanngwa hona ho se ka ha qobellwa. Ho bohlokwa hore motho a qale a shebane le kamano pakeng tsa dithuto tse fapaneng bakeng sa hore motho a qale ka ho kopanya Dithuto tse pedi a di etse Thuto e le nngwe.
Hopola hore bakeng sa ditlhahlobo Diphetho kaofela tsa ho Ithuta, mmoho le Maemo a Tekolo Thutong ka nngwe kereiting ka nngwe di lokela ho filelwa le ha eba Dithuto di kopantswe.
Mehlala e meraro eo re fanang ka yona e tsamaelana le dikamano pakeng tsa Bonono le Botjhaba ha mmoho le Mahlale a Tlhaho le a Tsamaiso.
Di sebedisa dibaka tsa tlwaelo tsa kamano moo karolo e itseng ya tsebo thutong ka nngwe e sebedisanang le e nngwe mme hape e matlafatsa boiphihlelo ba moithuti.
O ka fumana ditjhaba tsa ditsomi hokae ka hara naha ya Afrika e ka borwa?
Fumana mohlodi wa ditjhaba tsena Afrika e ka borwa.
Bapisa ditshwantsho tse neng di sebediswa ke ditsomi mme o hlokomele disebediswa tseo batho bana ba neng ba di sebedisa ho etsa dijo.
Na ebe disebediswa se di arohile jwang ho tse sebediswang kajeno?
Na ebe disebediswa tsee di ne di sebediswa jwang ho etsa dijo bakeng sa setjhaba ka nako eo le ya hona jwale?
Bolela hore na setsomi se ne se ka reng ka tshebediso ya disebediswa tsa bona mme o bapise sena le seo batho ba fihlileng pele Afrika Borwa ba neng ba ka se bolela ka disebediswa tsa bona.
Ebang o ne o phela ka nako eo, na o ne o ka ntlafatsa ho etswa ha dijo ka tsela efe?
O ne o tla hloka dintho dife ho etsa disebediswa tse tshwanang le tsa bona Bokella dintho tseo mme o etse disebediswa?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Rekota le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng. (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Ho sebedisa tlhahisoleseding e tdwang mehloding ho araba dipotso mabapi le batho, doketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse fapaneng ho knyelletswa le ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama, motjeko lw mmino.
Sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng tse mabapi le ho feta ha nako jwalo ka kgale, botjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo ho latedisa nako.
Fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketso tsa batho maemong a itseng nakong ya kgale.
Hlokomela ho tshwana le diphapang tse teng pakeng tsa ditsela tsa pele le tsa kajeno tsa ho etsa dintho maemong a itseng.
Kgetha a be a fane ka mabaka a kgehto ya dintho tse itseng tse tsamaelanang le ditaba tsa kgale tsa Sebeka seo ho ithutwang ka sona.
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho.
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba lw mathata a phedisano le tikoloho.
Hlophisa ditaba tlasa dihlooho tse itseng.
Ho fumana dibaka ka ho sebedisa tsela ya kgeriti le ditlhalosetso.
Hlokomela meedi ya bohlokwa ya sepolotiki le dibaka tsa bohlokwa tsa batho le tikoloho mmapeng o moholo.
Sebedisa tlhahisoleseding ho tswa mehloding (ho kenyelletswa ho iponela ka boyena) ho araba dipotso tse amananang le batho ha mmoho le dibaka jwalo ka: hobaneng e le ka mokgwa oo?
Sebedisa mantswe a tsamaelanang le jokorafi le tikoloho ho tlaleha ka ditsela tse fapaneng (khr. ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono).
Hlalosa matshwao a bodulo ba batho, ho kenyelletswa le tshebediso ya lefatshe, mme a bapise ditaba tsena le mehlala ya dibaka tse ding. (batho le dibaka).
Hlalosa hore ditlhoko tsa batho di ile tsa kgotsofatswa nakong ya pele le ya kajeno.
Hlokomela dinth tse amanang le disebediswa le ditshebeletso maemomg a itseng a ikgethileng. (Hlohomela dintho).
Hlokomela mabaka a etsang hore batho ba bang ba be le disebediswa tse ngata ho feta a bang maemong a itseng.
Hlahisa ditsela tsa ho ntlafatsa ho fihlelleha ha disebediswa maemong a itseng. (etsa kgetho).
Moithuti o kgona ho bontsha ka tsela e sekasekang le e supang boqhetseke ditabeg tsa bonono le tsa botjhaba, dihlahiswa le ditsela tsa nako ya kgale le ya kajeno.
Bonono bo bonwang: o kgona ho bontsha araba le ho hlalosa ditshwantsho, meralo le dintho tsa bonono botjhabeng bo itseng ditshwantsho mabapi le tsebo, sebopeho, mola, ho tshwarehaha disebediswa, sebaka le dintho tse sebediswang ha ho sebediswa mareo a loketseng.
Moithuti o tla kgona ho qala, ho fetolela le ho fana ka mosebetsi ka ditsela tse fapaneng tsa bonono.
Terama: sebedisa disebediswa tse tswang ka ntle ho pheta dipale le ho hlahisa dibapadi.
Sheba hore ditjhaba tsena di fumaneha hokae mmapeng.
Fuputsa o ntanoo hlalosa dintho tse kang sebopeho, motjha, le tshwareho ya mesebetsi ya bonono ya matsoho le disebediswa tse ding.
Bapisa o be o bontshe phapang pakeng tsa ditsela tse fapaneng tsa ho hlahisa dijo nakong e fetileng le ya kajeno. Sebedisa ditshwantsho, dihlahiswa tsa bonono, dipale ha mmoho le mehlala.
Bona hore o tla hloka disebediswa dife ho rala le ho etsa disebediswa tse tshwanang le tsona. Bokelle popeho ya dintho tseo mme/kapa o etse dintho tse tla sebediswa.
Ithute ka maikutlo a fapaneng a ditsomi mabapi le disebediswa tsena.
Tshwantshisa bophelo ba ditsomi ka hohle ka moo ho ka kgonehang.
Ithute ka mehopolo le ditsela tsa hore ditjhaba tsena di ile tsa ntlafatsa ditsela tsa ho etsa dijo maemong ao ba neng ba le ho ona.
Tlhaloso e mabapi le moralo wa dintho e ka ngolwa kapa ya fanwa ka tsela ya dikerafo.
Mekgahlelo e ka bokella kapa ya bontsha disebediswa tse hlokehang ho rala kapa ho etsa dintho.
Dipapiso ha mmoho le ho se tshwane ho ka bonsthwa ka tsela ya dikerafo ka tsela ya ho bapelana kapa ka tsela diratswana.
O kgona ho bona tshwano kapa phapang pakeng tsa ditsomi tsa kgale le ditjhaba tsa kajeno.
O kgona ho bua ka ditshwantsho, meralo, dihlahiswa tsa bonono a sebedisa puo e loketseng.
O kgona ho bona mehopolo e fapaneng.
Ke dife ditlhokomelo tsa bongaka tse neng di le teng ditjhabeng tsa pele tsa Afrika?
Ke ditjhaba dife tse neng di sebedisa kapa tse ntseng di sebedisa meriana ya Setho?
Tema ya dimela ke efe ho etsa meriana ya kajeno (kenyelletsa le tse tebelang dikokonyana)?
Dimela tsee di fumanwa le ho lengwa hokae lefatsheng?
Ebe tahlehelo ya tikoloho kapa meru e ka ba le ditlamorao dife bokamosong ba meriana?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Bona mehlodi e tla o thusa ho araba dipotso tse mabapi le tabakgolo tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang bakeng sa mabaka a ikgethileng ho tswa mehloding e fapaneng (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Hlophisa ditaba ka tsela le ka ho latela nako ha ba araba dipotso tse itseng ka batho, diketsahalo, dintho le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo ya bona ya ditaba tsa kgale ka ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ka ho sebedisa dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama. Sebedisa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ha e le teng le moo ho hlokehang.
Ho beha diketsahalo, batho, le diphetoho ho ya ka tatellano ya nako e kenyelletswang dintho tse kang BC, AD, CE, BCE (tatellano ya nako)?
Fana ka mabaka le ho hlalosa doketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong a fapaneng (sesosa le ditlamorao).
Bona dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa kang tsa fetoha ka mora nako maemong a fapaneng. (phetoho le tswelo pele).
Bapisa mahlakore a mabedi a diketsahalo tsakgale a sebedisa mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng.
Ho arola mehopolo ho nnete le tlhahisoleseding (phetolelo ya ditaba tsa mehlodi).
Bona le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona, ho bontsha sehlopha, meusiamo ya sekolo kapa moo o bolokwang ditaba tsa setjhaba (boemedi).
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho.
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba le mathata a phedisano le tikoloho.
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang ho tswa mehloding bakeng sa mabaka a itseng (a kenyelletsang ho rekota le ho hlokomela sebaka).
Ho fumana dibaka tse amehang mmapeng a sheba ka ho ya hodimo kapa lehlakoreng.
Ho sebedisa tlhahisoleseding ho supa tharollo ya mathata a itseng.
Tlaleha ka ho etsa dipuisano, diphehisano, ho ngola, dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho.
hlalosa hore ho tla jwang hore batho ba bangata ba phele sebakeng se itseng ho feta ba bang.
hlokomela hore ho fihlella dintho tse itseng ho ba le tshusumetso e kae ntshetsopeleng ya sebaka.
hlalosa ditsela tseo setjhaba se fetotseng tikoloho ka yona. (batho le tikoloho).
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba.
Sekaseka tse ding tsa dintho tse lebisang ho se lekaneng ha batho phedisanong le tikolohong dibakeng tse fapaneng.
Sekaseka diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng. (ho etsa kgetho).
Moithuti o tla bontsha kutlwisiso ya dikamano tse teng pakeng tsa mahlale le thekenoloji, mahlale le tikoloho.
O utwisisa mahlale a thekenoloji ka nalane le tsebo ya mantlha: o hlalosa o tshwana ho teng mathateng le ho ditharollong setjhabeng sa hae le ho ditjhaba tse ding nakong ya hona jwale, e fetileng le e tlang.
Sheba hore batho ba kgale ba Afrika ba neng be sebedisa meriana le pheko ya setho ba fumaneha kae mmapeng.
Ebe ke batho bafe hape ba ba neng kapa ba ntseng ba sebedisa meriana le pheko ya setho. Bontsha moo ba phelang kapa moo ba neng ba phela.
Sheba tema ya dimela merianeng ya kajeno (ho kenyeletswa le dimela tse tebelang dikokonyana).
Moo dimela tsena di fumanehang teng lefatsheng. Bontsha dibaka tseo dintho tsena di fumanehang teng lefatsheng. Fuputsa hore di lengwa hokae bakeng sa ho iketsetsa tjhelete. (ebang ho le jwalo).
Fuputsa tema eo ditaba tsa tikoloho di ka bang le yona ditabeng tsa bayodaevesithi le ho fediswa ha meru bokamosong ba meriana nakong e tlang.
Sephetho sa diphuputso se ka ngolwa.
Dibaka tseo ho fumanwang dimela tsena ho tsona di ka bontshwa mmapeng le ditshwantshong. Dimela tse itseng karolong ena di ka manehwa.
O kgetha a be a hlophise ditshwantsho le mmapa hore a tle a phethele mesebetsi.
O kgona ho hlalosa tsela eo karolo e itseng ya setjhaba e kgonneng ho dula e sa fetohe.
O kgona ho hlalosa mathata le ditharollo tse ka bang le kgahlamelo e itseng temeng eo dimela di nang e yona ho meriana ya nako ena le nakong e tlang.
Ditsela tsa ho phela tse neng di le teng le tse tswelang pele ho ba teng Afrika Borwa.
Ebe ke efe mehlala ya ditsea tsa ho phela tse neg di fumaneha Afrika Borwa nakong ya pele?
Ke dintho dife tse neng di arola ditsela tsee tsa ho phela ho tse ding?
Ke ditsela dife tsa ho phela tse bonahalang kajeno Afrika Borwa?
Ke dintho dife tse arolang ditsela tsee tsa ho phela ho tse ding kajeno?
Ke disebediswa dife tse neng di sebediswa ho tswedisetsa pele maphelo nakong ya ho feta?
Ke disebediswa dife tse sebediswang Afrika Borwa ho tswedisetsa pele bophelo kajeno?
Ke mathata afe ao batho ba kgale ba neng ba kopana le ona ka disebediswa, mme kajeno teng batho ba kopana le mathata afe?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Kgetha mehlodi e bohlokwa ya ho fumana ditaba tsa kgale ka ho tataiswa khr. tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.
Rekota le ho hlohisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng khr. tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.
A tswela pele ho sebedisa ditaba tse tswang mehloding ho araba diopotso ka batho, diketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse ngata ho knyelletswa le ho bontsha ditaba tsa kgale ka diratswana tse kgeutshwanyane, dikerafo tse bonolo, mmapa, ditshwantsho, mesebetsi ya bonono, diphoustara, mmino, terama le motjeko. O sebedisa Thekenoloji ya Tlhajisoleseding ebang e le teng le moo ho hlokehang.
Fana ka mabaka le ho hlalosa diphetho tsa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba phelang ka yona maemong a itseng (sesosa le ditlamorao).
Ho hlokomela tshwano le diphapang tse teng ditseleng tse fapaneng tsa ho phela dibakeng le dinakong tse fapaneng (tshwano le phapano).
A hlokomela hore ho ka nna ha eba le ditsela tse ngata tse bontshang diketsahalo tsa kgale ho ka nna ha eba le ditsela tse pedi tsa ho pheta ketsahalo e le nngwe phetolelo ya mehlodi.
Hlokomela le ho kgetha dintho tse supang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona ho fana ka tsona sehlopheng kapa meusiamong wa sekolo (boemedi).
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho.
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba lw mathata a phedisano le tikoloho.
Kgetha le ho sebedisa mehlodi e na ng le ditaba tsa bohlokwa tsa jokirafi ka ho tataiswa ho kenyelletswa dikerafo, mmapa, mosebetsi wa ka ntle ho phaposi ya sekolo tshebediso ya mosebetsi wa ka ntle.
Arola pakeng tsa ditaba tsa nnete le mohopolo feela.
Rala mmapa le/kapa dipolane ho tswa mosebetsing wa ka ntle ho phaposi ya sekolo.
Sebedisa indekse ho fumana dibaka tse fapaneng tleloupung le mmapeng wa atlelase.
Hlokomela le ho bona ditharollo tsa mathata a itseng.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ya dintho ka tshebediso ya diporojeke, dipuisano, diphehisano le ditjhate.
Hlokomela le ho hlalosa dibaka tse hlahelletseng ka mahetla Afrika Borwa ho kenyelletswa provense ya moithuti ka mong.
Hlokomela dikamano pakeng tsa disebediswa tsa thaho le mesebetsi e amang moruo afrika Borwa.
Hlalosa ditsela tseo ka tsona tikoloho e nang le tshusumetso ka teng mesebetsing ya batho le hore batho ba na le kgahlamelo e kae hodima tikoloho.
Hlalosa dintho tse etsang hore batho ba bang ba be tsietsing ya mahloko ho feta ba bang.
Hlahisa tsela e lokileng ho hlaha ho tse ding tse ngata tsa ho fokotsa menyetla ya mafu.
Moithuti o tla kgona ho bontsha kutlwisiso ya kgolo e tswellang, kahobotjha le ntshetspele le ho supa ka tsela e fatisisang ditabeng tse amehang.
A hlaosa diphetoho tseleng ya batho ya ho phela le maemong a bophelo le ditsela tsa sebedisa dintho tse itseng ho tloha ditjhabeng tse ikgonang ho ya ho tsa sejwalejwale.
Bontsha hore bahto bana ba ne ba phela hokae mmapeng. Fuputsa o be o fumane hore batho ba ne ba phela jwang nakong ya kgale Afrika Borwa. Sheba tsela eo ba neng ba phela ka yona, seo ba neng ba se ja, le hore ba ne ba sebedisa eng; fuputsa tsela ya bona ya ka nako eo ya bophelo.
Fumana o be o bolele dintho tse supang tsela ya bophelo e teng Afrika Borwa kajeno. Bontsha tsena ka tsela ya kerafo.
Ka ho sheba disebediswa tse neng di sebediswa ke batho ba fapaneng, hlokomela a mang a mabaka a tlisitseng diphetoho tsena.
Fuputsa tshebediso ya disebediswa nakong ya jwale le e fetileng.
Fuputsa hore ke hobaneng le hore ke ha jwang Maafrika Borwa a hlaloswang e le setjhaba sa batho ba sebedisang dintho, sena se bolelang, le hore ditlamorao tsa sena ke dife (ebang di le teng) le hore ho ka etswang ka taba ena.
Sheba hore baithuti ba ngotse ka eng bakeng sa ditsela tsa kgale tsa ho phela.
Sheba tsela eo baithuti ba bontshitseng ditsela tsa kajeno tsa ho phela.
Sheba tsela eo baithuti ba fupuditseng tshebediso ya disebediswa nakong ya kgale le ya kajeno.
Sheba sebopeho sa tsela eo dipotso di botswang ka yona ho fumana tsebo mabapi le disebediswa nakong ya kajeno.
Na ebe ditharollo tse fanweng di a fihlelleha?
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Bona mehlodi e tla o thusa ho araba dipotso tse mabapi le tabakgolo tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang bakeng sa mabaka a ikgethileng ho tswa mehloding e fapaneng (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Hlophisa ditaba ka tsela le ka ho latela nako ha ba araba dipotso tse itseng ka batho, diketsahalo, dintho le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo ya bona ya ditaba tsa kgale ka ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ka ho sebedisa dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama. Sebedisa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ha e le teng le moo ho hlokehang.
Ho beha diketsahalo, batho, le diphetoho ho ya ka tatellano ya nako e kenyelletswang dintho tse kang BC, AD, CE, BCE (tatellano ya nako)?
Fana ka mabaka le ho hlalosa doketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong a fapaneng (sesosa le ditlamorao).
Bona dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa kang tsa fetoha ka mora nako maemong a fapaneng. (phetoho le tswelo pele).
Bapisa mahlakore a mabedi a diketsahalo tsakgale a sebedisa mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng.
Ho arola mehopolo ho nnete le tlhahisoleseding (phetolelo ya ditaba tsa mehlodi).
Bona le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona, ho bontsha sehlopha, meusiamo ya sekolo kapa moo o bolokwang ditaba tsa setjhaba (boemedi).
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Dintho tse bakang bofuma ke dife?
Ke ditsela dife haholo tseo batho ba hlophehang ka tsona?
See se etsahala hokae lefatsheng?
Ditlamorao tsa bofuma ke eng?
Ho ka etswa eng ho fikotsa bothata boo?
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang ho tswa mehloding bakeng sa mabaka a itseng (a kenyelletsang ho rekota le ho hlokomela sebaka).
Ho fumana dibaka tse amehang mmapeng a sheba ka ho ya hodimo kapa lehlakoreng.
Ho sebedisa tlhahisoleseding ho supa tharollo ya mathata a itseng.
Tlaleha ka ho etsa dipuisano, diphehisano, ho ngola, dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho.
Tsebo le kutlwisiso hlalosa hore ho tla jwang hore batho ba bangata ba phele sebakeng se itseng ho feta ba bang.
hlokomela hore ho fihlella dintho tse itseng ho ba le tshusumetso e kae ntshetsopeleng ya sebaka.
Ho etsa diqeto mabapi le ditaba tsa ditaba/phetolelo ya Nalane hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba.
Sekasdeka tse ding tsa dintho tse lebisang ho se lekaneng ha batho phedisanong le tikolohong dibakeng tse fapaneng.
Sekaseka diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng.
Sheba dinaha tse ileng tsa ba le mathata a bofuma nakong ya pele le hore di ile tsa hlola mathata ao na.
Mahlale a Tlhaho: mafu a tsamaisanang le bofuma.
Tlwaetso ka Bophelo: dijo tse loketseng se hlokehang ho fihlella sena.
Fumana maemo a bokgoni ba ho phela dinaheng tse fapaneng. Sebedisa ditaba tsena ho etsa papiso.
Hlalosa sesosa, ditlamorao, le bofuma.
Etsa mmapa ho bontsha dibaka tse anngweng.
Sekaseka le ho hlahisa ditharollo tse loketseng bkeng sa sebaka sa heno ebang bothata bona bo le teng sebakeng sa heno.
Morero wa hore ho tla sebetswa jwang ho tlisa tharollo sebakeng sa lehae.
Ho bontsha ditaba ka dikerafo: bohlweki, ditaba tse nepahetseng, dihlloho, moralo, ho kenyelletsa ditshwantsho le ditafole.
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Na sebaka see se fetohile hakae ka mora nako?
Na ho ne ho le jwang nakong ba bonkgobo le bontatemoholo ba moithuti?
Na ke meaoho le ditsha dife tse lokelang ho bolokwa le ho hlokomelwa?
Hobeneng di lokela ho hlokomelwa?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Rekota le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng. (khr.ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Ho sebedisa tlhahisoleseding e tdwang mehloding ho araba dipotso mabapi le batho, doketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse fapaneng ho knyelletswa le ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama, motjeko lw mmino.
Sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng tse mabapi le ho feta ha nako jwalo ka kgale, botjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo ho latedisa nako.
Fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketso tsa batho maemong a itseng nakong ya kgale.
Hlokomela ho tshwana le diphapang tse teng pakeng tsa ditsela tsa pele le tsa kajeno tsa ho etsa dintho maemong a itseng.
Kgetha a be a fane ka mabaka a kgehto ya dintho tse itseng tse tsamaelanang le ditaba tsa kgale tsa Sebeka seo ho ithutwang ka sona.
Disebediswa: Ditswantsho, mmapa, maqephe a mosebetsi bakeng sa leeto la ka ntle ho sekolo, batho ba baholo hore ba botswe dipotso, dibuka bakeng sa diphuputso, dipampitshana tsa bohahlaudi.
Hlahosa tabakgolo ka maqephe a motjhini, kapa ditshwantsho tsa sebaka. Moqoqo wa ka phaposing ya sekolo. Qoqang ka ditaba tse itseng mabapi le nalane ya sebaka.
Efa baithuti mmapa wa sebaka seo ba tla tsamaya ho sona. Qoqang ka tsela e tla nkuwa. Ba fe pampitshana ya mosebetsi mme o ba hlalosetse hore ho lebelletswe hore ba etseng.
Tsamayang, mme le se ke la etela dibaka tsa kgale feela, empa hape le etele seteishene sa mapolesa, sebaka seo setjhaba se kopanelang ho sona, ho ya ka hore ho ka fumanwa eng moo.
Dipotso ho batho ba baholo: memela batho ba baholo sekolong; hlophisa dipotso ha mmoho le baithuti. Bana ba tla botsa dipotso. Rekota dikarabo ka motjhini wa mantswe kapa ka ho ngola fatshe.
Sebedisa ditaba tse fumanweng mesebetsi e ka hodimo mme o fane ka dibuka bakeng sa diphuputso tse ding.
Rala pampitshana ya bohahlaudi ya sebaka e kenyelletsang ho hlokomela meaho, meaho ya bohlokwa, dibaka tsa poloko ya tikoloho le mabaka a hore ke hobaneng dibaka tseo di lokela ho bolokwa le ho hlokomelwa. Pampitshana ena e lokela ho ba le mmapa o supang tsela e tla tsamauwa ha mmoho le ditaba tsa bohlokwa ka tsela eo.
Kgetha o be o fane ka mabaka a dintho tse kgethilweng (tse kang ditsha, meaho, jj), tse supang ditaba tsa kgale tsa sebaka seo ho ithutwang ka sona.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ya hao ka ditsela tse fapaneng.
Ho fuputsa sebaka sa lehae ke mokgwa o motle wa ho kopanya Jokorafi le Nalane. Ditaba tse latelang ke ditshisinyo tsa hore o ka hlophisa diphuputso jwang. Mohlala o fanweng ke wa noka e phallang ho parola sebaka sa ditoropo.
Ho bohlokwa ho baithuti ba kereiti ya 4 hore ba be le tlhahisoleseding e itseng pele ba ka qala ka diphuputso. Sena e ka ba ka tsela ya hore titjhere e ba qoqele ka noka nakong ya kgale kapa ya hona jwale khr. ditaba tsa nalane?
Mohato o latelang e ka ba ho botsa dipotso le baithuti ho lokisa diphuputso hantle. Ho ka hlokeha hore dipotso tsena e be tse amang tshebediso ya kgale ha mmoho le ya jwale ya noka ena le sebaka se mabapi le yona.
Ke bomang ba neng ba phela le ho sebedisa noka ee nakong ya pele?
Lebitso la noka ee le tswa kae Ebe e ne e ena le lebitso le leng?
Lebitso lee le bolela eng?
Ho ile ha etsahalang ka batho ba neng ba phela pele sebakeng seo?
Ebe ke mehlala efe e teng mabapi le nalane ya noka ee?
Ebe ho etsahalang nokeng ee masatsing a kajeno Ebe ho na le batho ba phelang pela yona?
Boemo ba noka ee ke bofe Ekaba ho na le matshwao a ho tshilafala ha yona Ebe re ka sesa ka nokeng Re ka sebedisa metsi a yona?
Batho ba sebedisa metsi a yona jwang?
Mmapa, ditshwantsho le meralo ya sebaka sa noka ha mmoho le dipampiri tsa ho rekota mefuta e fapaneng ya tshilafatso, diphoofolo kapa dimela tse hlaha, jwalo jwalo.
E ka ba mohopolo o motle ho hlophisa baithuti ka dipara ho bokella le ho hlophisa ditaba le tlhahisoleseding e nngwe. Dipampitshana tsa mosebetsi di ka kenyelletsa ditshwantsho tsa dikarolo tse itseng tsa noka, mme baithuti ba kotjwe ho ngola hore ke eng se ntseng se le teng nokeng eo, le hore ke eng se fetohileng. Ba ka kotjwa hore ba take ka mmala kapa ho bontsha mmapeng hore ho na le meaho efeng haufi le noka eo, le hore noka e sebedisetswa eng sebakeng ka seng. Dipampitshana tsa ho rekota di ka sebedisetswa ho rekota le ho hlalosa mefuta e fapaneng ya tshilafatso e ka bang teng. Hape ba ka botswa ka dimela tse haufi kapa ka hara noka.
Mesebetsing e tla latela, baithuti ba ka kotjwa ho hlahisa ditharollo tse mabapi le mathata a kang tshilafatso, batho ba se nang mahae ba phelang haufi le mabopo a noka, kapa ba hlahise ditsela tseo noka ena e ka sebediwang betere ka tsona.
Hape Dithuto tsa Lehae di fana ka monyetla o motle wa ho kopanngwa le dithuto tse ding, ho etsa mohlala, ho ithuta Mahlale a Moruo le Tsamaiso ho lokela ho kenyelletswa dithutong tsa ditsela tsa kgale le tsa kajeno tsa moruo mabapi le tsamaiso ya noka. Dithuto tse ding tse kang Dipalo, Bonono le Botjhaba ha mmoho le Tlwaetso ka tsa Bophelo le tsona di ka kopanngwa.
Pampitshana ena e latelang ya ho rera ke mohlala o ka sebediswang ha ho rutwa kapa ho ithuta Jokorafi ho kenyelletsa dithuto tse fapaneng.
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Amazon Basin ke eng mme e hokae?
meru ya pula ke eng?
Ke hobaneng meru ya pula e bitswa matshwafo a lefatshe?
Ke hobaneng meru ya pula e le tsietsing?
Hobaneng re lokela ho baballa meru ya pula?
Lokisa tlaleho e kgutshwanyane kapa sethwantsho sa weposaete dipotsong tse kgethilweng.
Ho sebedia mmapa: sebedisa ho ya hodimo kapa lehlakoreng ka dinako tse ngata ha o batla kapa o bapisa ditaba tsa atlelase.
Hlalosa fana ka mabaka tshubuhlellano e nyane ya setjhaba dibakeng tsa meru ya tropikale etsa hore di tsamaisane le maemo a lehodimo, disebediswa tsa biome le thekenoloji.
Moruo wa maswetso wa ditjhaba tsa Yanomami tsa Amazonia: ditsela tsa tshebediso ya lefatshe, maemo dijo le disebediswa bonono.
Moruo wa sejwalejwale wa ntshetsopele: ho fediswa ha meru, merafo, borui ba diphoofolo, motlakase o fehlwang ka metsi, dibaka tse nyane tsa ho phela tsa bokoloneale, jj.
Bontsha ka moo ditsela tsa kajeno tsa ntshetsopele di sentseng tikoloho ka teng le tshenyo e bileng teng setjhaneng saYanomami.
Etsa mohlala ka menyetla e ka fumanwang ntshetsopeleng ya se bitswang meru ya Terre firme: tsamaiso ya meru, ho ntshuwa ka tsela ha dihlahiswa tse itseng, ho jala botjha, ditsela tse ntjha tsa temo, jj?
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba sa Amazonia le tshebediso ya dihlahiswa ke dikhamphani tse kgolo.
Lokodisa ho fediswa ha matla a setjhaba sa Yanomami le ho theoha ha boleng ba tikoloho ya bona ka tshebediso le ntshetsopele ya disebediswa tsa meru ya pula (ho tloha ka pokelletso ya rabara ka ngwahakgolo wa 20)?
Sekaseka ditaba tse amang ntshetsopele ya meru ya Terre Firme ka ho ngola tlaleho e kgutshwane ya (polelo e le nngwe) mabapi le tse ding tsa dintho tse boletsweng?
Ho sibollwa le ho tliswa ha bokoloneale naheng ya Brazil.
Mahlale a Tlhaho: baithuti ba ka etsa ditshwantsho tsa dihlahiswa tsa bonono tsa Yanomami hore di behwe a phaposing ya bona.
Ho hlekela yuniti ya Pharela merung ya Amazon?
Baithuti ba ka buisana ka dipale, diketso tsa botjhaba le ditumelo tsa batho ba Yanomami kapa batho ba bang ba Amazon.
Tlwaetso ka Bophelo: dijo tse loketseng se hlokehang ho fihlella sena.
Diatlelase tse bontshang sebaka sa ekhweitha, meru ya trophikale, ho hasana ha setjhaba le ho kgobokana ha sona, dihlahiswa tsa tlhaho.
dipampiri tse hatisitsweng (tse ding di hloka ho nolofatswa) ho tswa weposaeteng di fuwe baithuti hore ba fumane tlhahisoleseding le dikarabo.
Karolo ya bohlokwa ya diweposaete tsena ke ditshwantsho le mmapa ya tsona.
baithuti ba botsa dipotso (tseo ba di rekotang) mme ba dumellana hore ke dikarolwana dife tseo dihlotshwana tse nyane (kapa ka bobedi) di ka di fuputsang.
sheba mmapa atlelaseng, dikerafo, data, le ditaba tse ding hore o tle o utlwisise haholo ka maemo a lehodimo le dimela tsa meru ya pula, hore di fumaneha hokae lefatsheng le hore hobaneng batho ba le mmalwa sebakeng seo?
ngola ditlaleho tse kgutshwanyane kapa o etse setshwantsho sa weposaete (se ka lokang feela) ho araba dipotso.
bala ka moruo wa maswetso wa batho ba Amazonia (khr. batho ba Yanomamo le Auca) hore o tle o kgone ho bona dikamano pakeng tsa ntshetsopele le disebediswa.
hlokomela ditsela tseo tikoloho le setjhaba sa Amazon basin di tshosetswang le ho senngwa ka teng ke ntshetsopele e tswang ka ntle.
hlokomela hore ke mang ya jarang boikarabelo bakeng sa tshenyo eo.
hlahisa ditharollo bakeng sa mathata ana mme o di bapise le lenaneo la ntshetsopele ya meru ya pula?
Mesebetsi ya ho hlahloba ditlaleho tse kgutshwane tse ngotsweng kapa ditshwantsho tsa weposaete (le he e le efe feela e loketseng) ho araba dipotso (sheba mosebetsi 4 ka hodimo).
dipolelo tse kgutshwanyane ka mathata a tikoloho le phedisano sebakeng sa Amazonia le dipolelo tse tsepameng tse supang ditharollo tse ka tliswang.
mosebetsi wa thlahlobowa 2 o lokela ho akaretsa hore o tle o kenyelletse tse latelang: ditaba tse amang tikoloho di ka kenyelletsa meru le mobu, mme ka lehlakoreng le leng ditaba tse amang phedisano di ka kanyelletsa tshotlo, bofuma le ho hlokiswa tokoloho, ditokelo tsa botho le matla.
Tema ya mmuso.
Moithuti o tla kgona ho bontsha kutlwisiso ya kgolo e tswellang, kahobotjha le ntshetsopele , le ho bontsha ditaba tse tsamaelanang le tsena ka tsela e hlokolotsi.
Moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso, ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho.
Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba le mathata a phedisano le tikoloho.
Fuputsa le ho sekaseka maemo a ho phela le tshebediso ya dintho matsatsing a kajeno moo batho ba sebetsang le ho hweba ka tsela e itseng e ikgethileng hore ba kgotsofatse ditlhako tse itseng.
Hlalosa diketso tse amang moruo tse ileng tsa nkuwa kgahlanong le mmuso wa kgethollo ho tlisa phetoho (khr. ho lekalekanya phano ya disebediswa, ho lekalekana ka bong, ho rupella, ho fa batho tekatekano, ho fana ka menyetla le ho matlafatsa batho).
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba (a hlokomela taba ena).
Lekola diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng (ho etsa kgetho).
Hlahloba mohlala o fanweng mabapi le mathata ao ho kopanwang le ona ditjhabeng tse fapaneng.
Sebedisa mehlodi e fapaneng ho bokella ditaba tse amang mathata a phedisano.
Hlokomela, bolela mme o bue ka mathata a phedisano ka hara ditjhaba tsa bona.
Sheba dintho tse lebisang maemong a fapaneng a bophelo.
Sebedisa ditaba tse bokelletsweng ho hlalosa diketso tse amang moruo tse bokelletsweng ho hlalosa mehato ya moruo e nkilweng kgahlanong le mmuso wa kgethollo (ho ntshuwa ha matsete le dikotloqobello).
Fuputsa kgahlamelo eo ditaba tsa marou di nang le yona ho phetoho, kgolo le ntshetsopele moruong wa Afrika Borwa.
Hlokomela ho se lekane ha batho ka hara setjhaba.
Sheba tse ding tsa dintho tse ileng tsa lebisa ho se lekaneng ha batho ditjhabeng tse fapaneng.
Hlokomela mehato e ka nkuwang ke mmuso ho lokisa difanya tsa kgale tsa ho se lekane ha batho le bofuma. Sheba kabo ya disebediswa, tekatekano ka bong, ho fa batho seriti se ba lokelang, ho fana ka menyetla le ho matlafatsa batho.
Buisana ka diprojeke tsa ntshetsopele setjhabeng sa bona.
Buisana ka hore bona le ba malapa a bona ha mmoho le setjhaba ba ka ntlafatsa maemo a bophelo jwang.
Diphuputso tse mabapi le tshebediso ya disebediswa nakong ya kgale le ya hona jwale.
Sebopeho sa pampiri ya dipotso e sebediswang ho botsa ka tema eo malapa a baithuti ha mmoho le setjhaba a bileng le yona ho ntlafatsa maphelo a batho.
Dipheto tsa ho Ithuta 2 Bonono le Botjhaba ho supisa?
Maemo a Tekolo: a entsweng ka dikarolo tse fapaneng: o shadima le ho qoqa ka kutlwisiso ya hore botjhaba ke eng.
Dipheto tsa ho Ithuta 4 Bonono le Botjhaba: Ho itlhalosa le ho bua?
Motjeko ke Mmino: O fumana ka, o leka le ho hlalosa moetlo wa pina le motjeko o jwalo ka motjeko wa noha, motjeko wa puleng, motjeko wa lenyalo, motjeko wa sedikadikwe, motjeko wa lehlaka, jj. a ntse a hlalosa sepheo le sebopeho sa wona sebopeho, phetapheto, le tatellano?
Terama: O tshwantshisa moetlo o itseng (mokete wa sedumedi kapa wa setjhaba) a bontsha tshebediso ya dikarolo tsa terama tse kang tatellano, phetapheto le sebopeho. O hlalosa bohlokwa ba moetlo ona bathong ba o etsang.
Mmino: O a fuputsa, o a etsa hape o bontsha mmino o ka tsela e bontshang moetlo.
Bonono bo bonwang: O a supisa mme o hlalosa tshebediso ya disebediswa tse fapaneng tsa bonono meetlong ya botjhaba.
O hlokomela ditaba tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa fetohang ka mora nako maemong a fapaneg (phetoho le tswello).
Matshwao a naha a kang Letshwao le leholo naha ha mmoho le Pina ya setjhaba; Borena ba afrika e ka borwa, khr. Great Zimbabwe; pontsho ya borui dikgomo, kgauta, manaka le tshepe?
Fuputsa matshwao a naha a nako e fetileng le ya kajeno.
Kgetha borena bo itseng ba Maafrika mme o ithute ka bona mabapi le ditaba tsa moetlo.
O nkile karolo ka botlalo a ba a mamela maikutlo a ba bang.
sepheo bohlokwa ba moetlo molaetsa kapa boikemisetso sebopeho?
O kgonne ho fihlela mehato e mengata.
matshwao: 1 tse mmalwa 2 tse ding 3 tse ngata 4?
Ka dinako tse ngata ho sebediswa tsela e ntlha-nne e tjhaetsweng monwana naheng ka bophara.
Ha a kgone ho hlokomela le ho kgetha dintho; o hloka tshehetso e ngata.
O hlokomela hore ho ka ba le ditsela tse pedi tsa ho pheta ditaba tsa kgale empa o fumana bothata ba ho bapisa ditsela tsena. Ha a kgone ho bona phapang pakeng tsa mohopolo le nnete ya ditaba.
O kgona ho hlokomela dintho tse kgethilweng tsa ditaba tsa kgale, empa o hloka thuso ya hore ditaba tsena di ka hlahiswa jwang phaposing ya sekolo, meusiamong kapa sebakeng sa setjhaba sa ho boloka ditaba.
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale a sebedisa mehlodi e ngotsweng le e bonwang, mme hape o kgona ho bona phapang pakeng tsa mehopolo le nnete.
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo, ebile a hlokomela le hore ke hobaneng ho le tng mahlakore a mabaedi a ditaba. O kgona ho etsa phapang pakeng tsa mehopolo le nnete le ho fana ka mabaka a hore ho tla jwang ho be teng mehopolo eo.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tsa kgale tseo a ithutang ka tsona mme o kgona hape le ho hlahisa hore motho ya ithutang ka dintho tsa kgale a ka sebedisa dintho tsena jwang ho utlwisisa ditaba tsa kgale.
Mohlala 2: Seph. 1 bokgoni ba ho botsa dipotso le ho nahana ka dikarabo tsa dipotso tseo?
Tafole ena e ka fuwa moithuti e mong le e mong ha mmoho le melao ya hore a sebetse jwang.
O sebedisa tlhahisoleseding ho bopa dikarabo.
O bontsha tseb ya hae ka tsela ya tshwanelo.
Ha a kgone ho hlokomela dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ka ho di bona mmapeng kapa ho di hlalosa.
Ha a kgone ho hlokomela dikamano pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi.
Ha a kgone ho hlalosa dikamano pakeng tsa diketso tsa batho le kgahlamelo ya tsona tikolohong.
O kgona ho hlokomela dibaka tsa bohlokwa Afrika Borwa, ho kenyelletswa le tse fumanwang provenseng ya hae, empa ha a eso kgone ho di hlalosa ka boitshepo le kutlwisiso.
O kgona ho hlokomela dikamano pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi le hore ka tataiso o kgona ho hlokomela dikamano tse ding hape le ho di sebedisa maemong a moruo a Afrika Borwa.
O kgona ho hlalosa ditsela tse teng pakeng tsa diketso tsa batho le kgahlamelo ya tsona tikolohong, empa o sa hloka tataiso ya hore a hlalose hore tikoloho e susumetsa diketso tsa batho jwang.
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ha mmoho le tse fumanwang provenseng ya hae.
O kgona ho hlalosa hore tikoloho e susumetsa diketso tsa batho jwang le hore diketso tsa batho di susumetsa tikoloho jwang.
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ha mmoho le tse fumanwang provenseng ya hae, mme hape o kgona ho hlalosa hore ke hobaneng dintho tsena di le teng dibakeng tsena.
O kgona ho hlokomela dikamano le ho qoqa ka tsona pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi Afrika Borwa. Hape o kgona ho etsa papiso le dibakeng tse ding.
O kgona ho sekaseka kgahlamelo ya diketso tsa bahto hodima tikoloho le tsela eo tikoloho e atisangho susumetsa diketso tsa batho.
Ho ka ba bohlokwa ho fana ka kakaretso ya dipuisana tse amang taba ena, e ka shadingwang ha ho etswa mesebetsi ya moithuti Mophatong o Phahameng.
Baithuti ba ba le boikemelo.
Baithuti ba hlakelwa ke hore thahasello ya bona e hokae.
Ba a hola bothong ba bona le ditabeng tsa bonna le bosadi.
Ba a hola mohopolong, hara setjhaba le kelellong.
Ba na le bokgoni ba ho etsa kgopolotaba/haephothesese pele ho diphuputso ho etsa hore nnete e tsejwe.
Ba na le bokgoni ba ho etsa dintho tse ama-amaneng.
Kgatello ya dithaka e bapala karolo e kgolo phedisanong ya batho.
Ba dumela hore motho o tshwanela ho utlwisisa hore a se ke a hatikela ditokelo tsa ba bang.
Ba hlompha mehopolo le botho ba batho ba bang, empa ba kgona ho iketsetsa diqeto ka bobona.
Mophatong ona baithuti ba tshwanela ho fuwa monyetla wa ho fumana, ho aha le ho sebedisa tsebo e kenelletseng ya kutlwisiso le bokgoni. Botebo le bobatsi ba taba di bohlokwa haholo ho etsa hore baithuti ba etse boikgethelo mophatong ona o phahameng. Baithuti ba tshwanela ho ba le tsebo e batsi ya hore boikgethelo ba bona ke bofe hore ba tle ba etse diqeto tse ntle bokamosong ba bona. Mona mophatong e ka hodimo tjhadimo ya kharitjhhulamo ke ya nako e kgutshwanyane ho etsa hore batho ba tle ba be le boikgethelo le hore ba be le boikemelo. Mokato o phahameng o etseditswe hore e tiise maqhama paketse tsa mohato o mahareng le boikgethelo mokatong wa FET.
Ho ba le diphetoho tse ngata ho baithuti ho tloha ho dilemo tsa 12 ho ya ho tsa 15. Ona ke mohato wa ho qetela wa bongwana pele ba fihla boholong. Ba hola mmeleng, ho botona le botshehadi, kelellong le tseleng eo ba phedisanang le ba bang ka yona ka ho ba le bokgoni ba ho ikemela.
Hape baithuti ba kgona ho hola monahanong. Ba dula ba nahana ka dintho tse thata ba be ba fane ka kgopolotaba ya dintho tse itseng le mabaka a bontshang kelello. Boemong bona tswelopele ya monahano e fela e qalella, mme ha a ka fuwa tshehetso e loketseng, moithuti o a ka hlahloba diketsahalo le ho ba le kutlwisiso ya kgonahalo, ho tsamaelana, ho kopana, monahano wa PREPOSITIONAL, ha mmoho le bokgoni bo bong ba kelello.
Hape dilemong tsena moithuti o kgona ho etsa diteko tse tlasa taolo, a itshwarelletse ka dikarolo tsohle ntle le e le nngwe feela. O na le bokgoni ba ho hlahisa kgopolotaba pele ho ka etswa diteko ho bontsha tsela esele bakeng tsa nnete le kgonahalo. Hape ba kgona ho sebedisa kopanya mehopolo e fapaneng ya monahano le puo.
Ho bohlokwa boemong bona ho be etsa hore be tsepamise maikutlo bokgoning ba ho sekaseka le ba bonono, kgodiso ya tsela eo a bonang dintho ka yona le kutlwisiso ya tema ya bona ka hara setjhaba.
Hape baithuti ba hlokomela dintlha tse ntjha tse ba amang tse bapalang karolo kgodisong ya bobona ba bona. Ka dinako tsohle ba lebelletswe ho bona hore batho ba bang ba tla ren ka tjhebeho le diketso tsa bona. Tshusumetso ho twa ho dithaka tsa bona e bapala karolo e kgolo haholo phedisanong ya bona.
Kgolo ya boitshwaro e tsamaelana le kgolo a kelello le tlhokomelo ya phedisano. Bokgoni ba bona ba ho nahana ka botebo bo ba le kgahlamelo diqetong tseo ba di nkang tse amang boitshwaro bo botle. Ba ntse ba tsepamisa maikutlo boikarabelong ba bona ba setjhaba, empa ba tsamaella ho ya boitshwarong bo ikemetseng.
Hape ba nahana hore motho tshwanetse a nahanele ba bang ka ho se ba etse hampe, empa ba itshetleha haholo hodima bohlale ba bona le boitshwarong ba bona ha ba etsa diqeto.
Mophatong ona baithuti ba sebedisa mohopolo o tebileng. Ba kgona ho qoqa le ho phehisana, mme hape ba amohela dithallo tse ngata bothateng bo le bong. Mosebetsi wa sekolo o lokela ho bonahala o tsamaelana le lefatshe leo ba leng ho lona e le batho ba ikemiseditseng ho bapala tema e nang le boikarabelo jwalo ka karolo ya setjhaba sa demokrasi.
Mahlale a Phedisano a na le mekgwa e mmedi e totobetseng: Nalane le Jokorafi mme tsona di bohlokwa ka tsela e lekanang Thutong. Le ha ho le jwalo sena ha se bolele hore thuto e nngwe e bohlokwa ho feta e nngwe.
Mahlale a Phedisano a ikemiseditse ho etsa batho ba nang le tsebo, ba kgonang ho sekaseka taba le ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba se fetofetohang. Hape di ikemiseditse ho thusa baithuti hore ba nke karolo e bonahalang ho Afrika Borwa ya demokrasi. Ka tsela eo, Mahlale a Phedisano a lokela ho nka karolo ho tlisa kutlwisiso le ho fetola setjhaba le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba kgone ho iketsetsa diqeto bakeng sa diohetoho tse loketseng.
Maemo a Tekolo a bontsha tswelopele ho ntshetsopele ya dintho, tsebo, bokgoni le tsamaiso ho ya ka dikereiti tse fapaneng mephatong e fapaneng. Maemo ana a bontsha hore ho lebelletswe bokgoni bo bokae sephethong kapa sehlopheng sa diphetho tse fapaneng kereiting ka nngwe. Bokgoni ba baithuti ho Diphetho tsa ho Ithuta bo hlahlojwa a hore na moituti o kgona ho bontsha bopaki ba hore o kgona ho etsa dintho tse botswang ho Maemo a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisiso mmoho le bokgoni bo fihletsweng mophatong o fetileng.
Mophatong o Phahameng Mahlale a Phedisano a shebane le ho fetofetoha ha batho ha nako e ntse e tsamaya, ditsela tsa kgale tsa kgwebo, ho tsamaela dibakeng tse fapaneng, demokrasi, Tsoho ya Mafora, nako ya diindasteri, kgolo ya setjhaba le phetoho, taolo ya Manyesemane le phehisano ya yona, ho thehwa ha dikoloni, thekenoloji ya ngwahakgolo wa mashome a mabedi, (Ntwa ya Pele ya Lefatshe), tsa dipalangwang, ditaba tse amang ditokelo tsa batho le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Kgethollo e neng e le teng Afroka Borwa, ho se lekalekane ha batho Afrika Borwa, diphapang tsa setjhaba le tikoloho Afrika Borwa, nako ya Nutlelere, Ntwa e Batang, dikotsi tsa tlhaho, disebediwa tsa tlhaho, mmapa, ho dula ha setjhaba dibakeng tse fapaneng, ditsela tsa ntshetsopele, tshebediso e tswellang ya disebediswa.
Sepheo sa rona maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho etsa dithuto tsa Nalane le Jokorafi. Ho etsa Nalane le ho etsa Jokorafi phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere be sebetsa ka disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi?
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothalletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona ba ntse ba shebile le taba ya ho etsa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe ka mehlodi ya tlhahisoleseding le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona?
Batho ba pele ba ho phela Afrika Borwa le Afrika Botjhabela.
Dikoduwa tsa tlhaho mohl.
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng.
Ke mang ya tsietsing.
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Ho kopana, dintwa le ho amohuwa ha batho dibakeng tsa Meeding ya Amerika ka mengwahakgolo ya 19. Demokrasi le tsohelomatla ya Amerika.
Sesosa le ditlamorao maemong a fapaneng.
Afrika Borwa papisong le Afrika. Afrika papisong le lefatshe.
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Nako ya ho qala ha diindasteri, ho fetoha ha thekenoloji, temo le kgwebo, ho sotlwa, sebaka se setjha sa mosebetsi, mekgatlo ya basebetsi, kgolo ya dibaka tsa ditoropong, mathata a phedisan le ditokelo tsa sepolotiki.
Dibopeho tsa ka hare tsa ho jaka. Ditlwaelo tsa bodulo Afrika Borwa le dinaheng tse ding.
Tshebediso hampe ya basebetsi ho kenyelletswa le bana.
Phihlello ya thuto le thupelo, phumantsho ya matlo le ditshebeletso tse ding?
Mahklale a Tlhaho (khr. mefuta ya diphedi tsa lewatle, tse hlaha, meru le mobu Afrika Borwa le lefatsheng ka bophara).
Paballo le tlhokomelo ya disebediswa.
Hobaneng ho le bohlokwa ho baballa.
Menyetla e metjha ya ho baballa disebediswa (khr. ntshetsopele ya setjhaba, bohahlaudi bo tsamaelanang le tikoloho, ditsela tsa ho arolelana disebediswa ka tsela tswellang).
Ditaba tse amang ditokelo tsa botho ka nako le ka morao ho ntwa.
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng.
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng.
Tlhokeho ya hore batho kaofela ba nke karolo tsamaisong ya disebediswa.
Tlhokeho ya hore diketso tsa rona kaofela di netefatse tswello ya nako e tlang.
Tlhokeho ya hore batho bohle ba nke karolo ho lokiseng mathata a tsamaelanang le tikoloho.
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng. Ho kopanya ditaba tse fumanweng diphuputsong.
Ho se rate merabe e tswang ka ntle ho naha le polao ya batho ba bangata khr.
Tshebediso ya mehlala e nepahetseng moo ho kgonehang.
Papiso le dinaha tse ding Afrika le dinaheng tse ding.
Tema ya matla, tsamaiso le kgethollo (ho kenyelletswa kgethollo ho a ka mmala le ho se rate batho ba dinaha tse ding le tema ya tsona phihlellong ya batho ya dintho tse kang lefatshe, dijo, matlo le mesebetsi).
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng. Ho kopanya ditaba tse fumanweng diphuputsong.
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Lekgoba ke eng?
Beng ba makgoba ba ne ba a laola jwang sebakeng sa Kapa?
Makgoba a ne a etsang mabapi le mefuta ya taolo e neng e le teng?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Hlokomela le ho kgetha mefuta ya mehlodi ya ditaba tsa nalane e tsamaelanang le se fuputswang.
Ho bokella le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng ho hlahisa bopaki ba ditaba tsa kgale.
Fetolela le ho fumana ditaba ho tswa mehloding e bonolo ya dikerafo le ya dipalopalo (mohl. Dikerafo, palo ya batho, ditafole).
Sebedisa ditaba tse tswang mehloding ho hlakisa dikarabo tse nahannweng hantle.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho hlahisa ntlhakemo ya hae a ipapisitse ka bopaki bo tswang mehloding ditabeng tse kang diphehisano ka ho hlahisa ditaba tse ngata tse ngotsweng tsa nalane, ka mosebetsi wa bonono, ditshwantsho kapa terama. Tshebediso ya thekenoloji ya tlhahisoleseding e dumelletswe moo ho kgonehang.
Hlalosa hore ke hobaneng dikarolo tse ding ka hara setjhaba di fetohile le hore ke hobaneng ha tse ding di sa fetoha.
Utlwisisa hore ho tla jwang hore diketsahalo tse itseng tsa kgale di hlaloswe ka ditsela tse fapaneng.
Hlokomela hore mehopolo e fapaneng e ka susumetsa tsela eo re utlwisisang diketsahalo tsa kgale ka yona (tshusumetso ho kutlwisiso).
Hlalosa mosebetsi wa batho ba sebetsang ka dintho tsa kgale le hore ba fihlela diqeto tsa bona jwang.
Hlalosa ditsela tseo batho ba hopolang diketsahalo tsa kgale.
Baithuti ba ka qoqa ka maemo a lehodimo le bolemi sebakeng sa Western Cape mme ba qoqe hore ke hobaneng makgoba a mangata a ne a le Kapa le dibakeng tse etsang veine ho ena le dibakeng tse ruileng dikgomo tsa hara naha.
Tlwaetso ka bophelo le Ditokelo tsa Botho bokgoba jwalo ka tlhekefetso ya ditokelo tsa botho. Kajeno teng Ebe bokgoba bo sa le teng?
Dipara tsa baithuti : mehlodi e meng e mebedi. Meqoqo e tlasa taolo ya titjhere e buang kamekgwa ya taolo; ebe dipara di bontsha tafole di ipapisitse ka bopaki bo tswang mehloding e mene.
Moqoqo wa phaposing ya sekolo. Mehlodi e meng hape e meraro. Moqoqo o akaretsang ka seo makgoba a ileng a se etsa le ho ngangella ha bona.
Mosebetsi wa moithuti ka mong. Ho ngola ka tsela ya ho hlahisa sesosa le ditlamorao. Ngola ditaba ho tswa mehloding ka taolo (sesosa) le se ileng sa etswa ke makgoba (ditlamorao).
Baithuti ba tla bontsha bopaki boo ba bo fumaneng mehloding ho araba Ranalane wa Afrika Borwa ya ileng a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo. Qala ka ho sebedisa moralo wa ho ngola ho hlophisa ditaba.
Ranalane wa Afrika Borwa o ile a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo.
Ke a dumela/ha ke dumele.
Mohopolo wa ka ka bokgoba ba Kapa ke..
Ke nahana hore Ranalane wa Afrika Borwa o ile a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo hobane.
Maemo a Tekolo: seph1: ngola le ho hlophisa ditaba; bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho hlahisa dipolelo tse itshetlehileng mehloding.
ha a a kgona ho arohanya le ho hlophisa ditaba 2 o lekile ho hlophisa ditaba empa a etsa diphosonyana 3 o fumaneboholo ba ditaba ho tswa mehloding mme a di hlophisa ka tsela 4 o kgethile le ho hlophisa ditaba tsohle tsa bohlokwa ho tswa mehloding.
o lekile ho hlahisa ditaba tsa hae ka tataiso 2 o lekile ho hlahisa ditaba empa a hloleha ho di amanya le bopaki 3 o lekile ho hlahisa ditaba empa a hloleha ho dula a di amanya le bopaki 4 o hlahisitse ditaba hape a ba a di amanya le bopaki bo fumanehang mehloding.
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Mophaphathehi ke eng?
Ho falla, le ho jaka ho bolelang Phapang pakeng tsa mantswe aa ke efe?
Ebe mokgatlo wa baphaphathehi o afrika feela?
Lebaka la ho phaphatheha ha batho ke lefe Sheba mabaka a bitsang le ho tebela batho?
Ditlamorao tsa ho phaphatheha ha batho ke dife?
Baphaphathehi ba kopa tjako hokae?
Ebe ho ka etswa eng ho fokotsa bothata boo?
hlophisa le ho utwlisisa ditaba tse tsamaelanang le diphuputso dikerafong, mmapeng le ho dipalopalo.
fana ka tlaleho mabapi le diphuputso mme o sisinye dikarabo, se seng hape se ka etswang kapa ditharollo.
fana ka tlaleho o itshetlehile mehloding e kenyelletsang mmapa, ditshwantsho, le dikerafiki. Ebang ho kgoneha o ka sebedisa dikhompeothara.
sisinya ditsela tseo ho ka tobanwang le kgolo ya setjhaba le phetoho ka teng boemong bo itseng.
Batla dipalopalo tsa baphaphathehi dinaheng tse itseng. Sebedisa ditaba tsena ho etsa dipapiso.
Rala mmapa ho bontsha dibaka tse anngweng ke taba ena lefatsheng.
Baling dithothokiso, dipale le meqoqo e meng ya bana ba fetohang baphaphathehi.
Sheba ditharollo tse ngatanyana mme o bontshe tharollo sebakeng sa heno.
Pontsho ya ditaba e bontshitsweng mmapeng.
Bala debaka se dipakeng tsa dibaka tse mmapeng ho bona hore baphaphathehi ba tsamaile sebaka se sekae.
Mosebetsi o ngotsweng wa ho hlahisa ditharollo.
Se ka etswang, khr. kopa mophaphathehi ho tla le qoqela ka hore bophelo bo fetohile jwang.
Tlhahiso e totobetseng bohlweki, ditaba tse nepahetseng, dihlooho, sebopeho, ho kenyelletswa ha ditshwantsho le ditafole?
Ditaba tsa molomo ho bala haholo0.
Bokgoni ba ho ngola.
Ebe tabakgolo e ne e kgothalletsa baithuti ho hauhela bana ba tshwanang le bona ba lahlehetsweng ke malapa a bona?
Ebe mesebetsi e fanweng e ne e kgothalletsa bohlwahlwa le ho hlompha batho ba bang?
Ebe baituti ba ile ba hlokomela taba ya hore bophaphathehi ke bothata bo hlahang lefatsheng ka bophara?
Ebe mesebetsi ya baithuti e ile ya eketsa bokgoni ba bona ba ho tseba ho bala mmapa?
Ebe baithuti ba ile ba utwisisa dibaka tseo bophaphathehi bo hlahellang teng haholwanyane?
Ebe baithuti ba ile ba hlokomela mabaka a qobellang batho ho siya dinaha tsa bona?
Ebe baithuti ba ile ba rata thuto ee?
Thuto: Mahlale a Phedisano?
Ebe ke diphehisano dikgeo dife tlalehong ya lefu la Steve Biko?
Ebe moithuti o utwisisang ka se ileng sa etsahala ho ya ka mehlodi?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho sekaseka mehlodi khr. ho hlokomela kgetho ya lehlakore le ho sheba ntho ka leihlo le le leng, ho siella ditaba morao le ho siya dikgeo.
Sekaseka ditaba tse fumanwang mehloding.
Hlahisa mehopolo e ikemetseng ho araba dipotso le ho tshehetsa dikarabo ka ho fana ka bopaki.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho fana ka phetolelo ya hae a ipapisitse ka mehlodi ya nalane. Sena se tshwanetse se kenyelletse ditaba tse ngotsweng, tsa bonono, ditswantsho le terama. Hape ho ka sebediswa thekenoloji ya tlhahisoleseding moo ho hlokehang.
Bapisa diketsahalo, batho le diphetoho tse ithutilweng tsa nalane ka tatellano ya nako (tatellano ya nako).
Hlalosa le ho sekaseka mabaka le sephetho sa diketsahalo tsa kgale. (sesosa le ditlamorao).
Hlokomela hore phetoho le ntshetsopele ha di bolele tswelopele ka dinako tsohle. (phetoho le tswello).
Utlwisisa mofuta wa ditaba le hore boranalane ba etsa nalane ha ba ngola ka diketsahao tsa kgale.
Etsa phetolelo a ipapisitse ka mehlodi, a fana ka mabaka a kutwlisiso ya hae (mohlodi le phetolelo).
Hlokomela dintho tse amang tsela eo nalane e ngolwang ka yona. (tshusumetso hodima phetolelo).
Tsela eo matshwao a sebediswang ka yona ho hopola diketsahalo le batho ba nako e fetileng le hore ditaba tsa molomo di ka re thusa jwang ho utwlisisa matshwao ana (boemedi).
Sebetsang ka dihlotshwana tsa batho ba bararo. Le ntse le sebedisa mehlodi, kopa baithuti ho sebedisa bopaki hore ba qoqe ka mehopolo ya BCM le ho hlaisa mabaka a mmuso wa kgethollo wa hore o sebetse ka tsela eo o ileng wa sebetsa ka yona ho BCM. Qoqang le be le etse lenane la ditaba tse phatlaladitsweng ka ho le letshehadi, mehopolo, ka ho le letona, mabaka a diketso tsa mmuso?
Sebesisa mehlodi e buang ka lefu la Biko ditlamong ha mmoho le tafole e nang le dihlooho tse bontshang hore o a dumela/diphehisano/ho siella. Baithuti ba buisana ka ditaba ka dihlopha, mme moithuti ka mong o hlophisa ditaba tsena ho tswa mehloding tlasa dihlooho tseo mme a tlatse tafole.
Mosebetsi o ngotsweng ke moithuti ka mora moqoqo wa sehlopha. Baithuti ba ngola tlaleho ka bonngwe ka diphehisano le dikgeo tse teng mehloding e buang ka lefu la Steve Biko, mme ba fana ka kutlwisiso ya bona ya se etsahetseng ho latela mehlodi.
Ditaba tsena di hlahisetswa baithuti kaofela letsatsing le hlahlamang ka mora hoba mosebetsi o tekwe mme le baithuti ba lebellwe ho tshehetsa dikarabo tsa bona.
O hlahloba mehlodi ho bona diphehisano, ditshiello, le dikgeo.
O fana ka tlhaloso a itshetlehile ka mehlodi, a fana ka mabaka a tlhaloso ya hae.
Ha a a hlakelwa ke ditlhaloso tsa nalane; o hloka tshehetso e nngwe.
O hloka tshehetso e ngwe hore a tle a kgone ho utlwisisa ditaba tsa boitsebo.
O kgona ho hlokomela matshwao a nako e fetileng, empa o sa hloka tshehetso hore a tle a utlwisise hore matshwao ana a sebetsa jwang.
O kgona boemong bo tlase feela, empa o ntse a hloka tshehetso e nngwe.
O kgona ho hlokomela le ho fana ka mabaka a ditsela tse ngata tseo nalane e hlahiswang le ho hlaloswa ka yona; hore ke hobaneng nalane e phetwa ka tsela e sa tsitsang le ha e le mona ho ena le diphehisano mabapi le ditaba tsa nalane. Moithuti ha a na boitshepo ba ho iketsetsa diphetolelo tsa hae tsa nalane ntle le tshehetso.
O hlokomela hore boitsebo ba rona bo ba le kgahlamelo tseleng eo re boning ditaba tsa nalane ka yona, mme ka tshehetso e ntle o kgona ho hlokomela dintho tse susumetsang ho nglowa ha nalane ka botlalo.
O hlokomela hore matshwao a kgale ke eng, empa ha a a hlakelwa ka dinako tsohle ke hore matshwao ana a sebediswa jwang ho hopola batho le diketsahalo tsa kgale.
O kgona ho utlwisisa diphehisano tse amang tsela eo nalane e ngolwang ka yona le hore boranalane ba etsa nalane ha ba ngola ka ditaba tsa kgale, mme hape o kgona ho iketsetsa phetolelo ya hae a ipapisitse ka mehlodi, a bile a fana ka mabaka a kutlwisiso ya hae.
O hlokomela dintho tse susumetsang tsela eo nalane e ngolwang ka yona.
O kgona ho utlwisisa tsela eo matshwao a sebediswang ka yona ho hopola diketsashalo le batho ba kgale le tsela eo nalane ya molomo e ka sebediswang ka teng hore re utwisise matshwao.
O dula a fana ka kutlwisiso ya hae ya ditaba tse fetileng a ipapisitse ka mehlodi e teng, le ho tshehetsa maikutlo a hae.
O dula a bontsha kutlwisiso ya hae ya le ho hlokomela ditaba tse susumetsang tsela eo nalane e ngolwang ka yona ha a fana ka phetolelo ya hae ya ditaba.
O kgona ho sekaseka tshebediso ya matshwao ho hopola diketsahalo le batho ba nako e fetileng.
Ha a kgone ho hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng.
Ha a eso kgone ho hlalosa dikgopolotaba le mehopolo e tsamaisanang le ntshetsopele e tswellang kapa ho amanya ditaba tsena le batho, dibaka le tikoloho.
O kgona ho etsa boemong bo tlase, empa o ntse a hloka tshehetso.
O kgona ho hlokomela le ho fana ka ditsela tse fapaneng tseo ka tsona ditaba tsa ntshetsopele di ka shejwang ka tsona, empa ha a na boitshepo ba ho iketsetsa diphetolelo tsa hae tsa nalane ntle le tshehetso.
O hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng, mme, ka tshehetso, o kgona ho hlokomela ditaba tse ntle le tse mpe ka ntshetsopele.
O kgona ho hlalosa ditaba tse itseng ka ka ntshetsopele e tswellang, empa ha a eso kgone ho bona hore kgopolotaba e ka sebediswa jwang bathong, dibakeng le ho tikoloho.
O kgona ho fana ka ditlhaloso tse tletseng tse amang ditsela tseo ntshetsopele e bonwang ka teng.
O kgona ho hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng ka tsela e ntle le e mpe.
O kgona ho hlalosa tsela eo ntshetsopele e tswellang e ka bang le tema e ntle kapa e mpe bathong, dibakeng le ho tikoloho.
O dula a fana ka ditlhaloso tse ikemetseng tsa tjhadimo ya ntshetsopele mme o tshehetsa maikutlo a hae.
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng.
O kgona ho sekaseka tsela eo ntshetsopele e tswellang e ka bang le tema e ntle kapa e mpe bathong, dibakeng le ho tikoloho.
Mohlala 3: Sephetho sa ho Ithuta 3?
Tafole ena e tla fuwa moithuti ka mong ha mmoho le melao ya mosebetsi.
O hlokomela dintho tse itseng tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako.
O arohanya pakeng tsa dintho tsa bohlokwa kapa tseo e seng tsa bohlokwa tse ileng tsa faoha kapa tsa se fetohe le nako.
O fumana kamano pakeng tsa dintho tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako mme o bona phapang pakeng tsa dintho tse kgolo le tse nyane.
O fumana kamano pakeng tsa dintho tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako mme o hlalosa diphetoho tsena ka kutlwisiso e nammeng ya nalane kapa ya tikoloho.
Tshebedisong ya tafole ena ho fanwa ka boemo maemong ka mang ka ho arohana.
O hlahloba mehlodi ho fumana diphehisano le tshiello.
Ha a kgone ho hlokomela diphehisano le ditshiello.
O lekile ho hlokomela diphehisano le ditshiello.
O hlokometse diphehisano le ditshiello tsohle.
O hlokometse diphehisano le ditshiello tsohle tse mehlaleng mme a ba a hlahisa maikutlo ka hore bongodi e ka be lebaka le qositseng diphehisano tsena.
O etsa phetolelo a ipapisitse ka mehlodi a bile a ntse a tshehetsa maikutlo a hae.
Ha a kgone ho etsa phetolelo.
O lekile ho araba empa ha ho bonahale hore o kgone ho utlwisisa ditaba ka boikemelo.
O fane ka kutlwisiso e ikemetseng ya diketsahalo mme a ba a leka ho fana ka mabaka a seo a se utlwisisang.
O fane ka kutlwisiso e ikemetseng ya diketsahalo a bile a fana ka bopaki bo tswang mehloding. O fane ka mabaka a maikutlo a hae. Ditaba tsa hae di bopehile hantle.
Lehlomela le ka sebediswa ha o batla boemo bo kopantsweng ba letoto la melao. Maemo ana a bontshwa ka tsela e yang hodimo le e yang lehlakoreng. Moithuti o fuwa boemo bakeng sa tsona di le pedi, mme moo di kopanang, ho tla ajwa boemo bo kopaneng. Ho tea mohlala, ebang moithuti a sebetsa boemong ba boraro ka ho hlokomela diphehisano/ditshiello le boemong ba bobedi ka phetolelo, boemo bo kopantsweng e tla ba pedi . Ebang ho ajwa boemo ba bone bakeng sa diphehisano le ditshiello, le boemo ba boraro bakeng sa phetolelo, boemo bo kopaneng e tla ba tharo, kapa nne ho ya ka hore mosebetsi o ngotswe kapa o hlahisitswe hantle hakae.
O ngotse diphehisano kaofela tse hlahellang mehloding. O hlokometse ditshiello. O hlahisitse maikutlo ka bongodi ba mehlodi.
O ngotse diphehisano kaofela tse hlahellang mehloding. O entse matsapa a ho hlokomela ditshiello.
O lekile ho hlokomela diphehisano le ditshiello mehloding.
O lekile ho araba ka ho thuswa.
O fane ka tlhalosetso e ikemetseng ya ditaba a di tshehets ka bopaki bo tswang mehloding. O fana ka mabaka a phetolelo ya bona. Ditaba tsa hae di bopehile hantle.
O fane ka tlhalosetso e ikemetseng ya diketsahalo, empa ha a a fana ka mabaka a phetolelo ya hae.
O lekile ho araba empa o bontshitse bopaki bo bonyane ba phetolelo e ikemetseng.
Ha a kgone ho hlokomela mofuta o le mong wa ditaba tsa kgale; o sa ntse a hloka thuso.
O kgona ho sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng mabapi le ho feta ha nako, a kang, kgale, ntjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo, (tokodiso ya nako), o fana ka mabaka ebile o hlalosa sephetho sa diketso tsa kgale tsa batho maemong a itseng (sesosa le ditlamorao). O kgona ho hlokomela tshwano le phapang empa ha a eso hlakelwe ke ditaba tsa tswello le phetoho.
Ha a kgone ho hlokomela le ho kgetha dintho, o sa hloka thuso.
O kgona ho sebetsa boemong bo tlase.
O hlokomela hore ho ka ba le mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale, empa ha a kgone ho di bapisa. Ha a eso hlakelwe ke phapang pakeng tsa mehopolo le nnete.
O kgona ho sebdisa matsatsi le dinako tse kang, ngwahashome, ngwahakgolo, bapabi le ho feta ha nako mme o kgona ho di hlophisa hantle (tokodiso ya nako), o fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba phelang ka yona maemong a itseng (sesosa le ditlamorao), mme o qalella ho utwlisisa phetoho le tswello.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale, empa o sa hloka thuso ho hlalosa hore dintho tsena di na le tema efe dipontshong tsa phaposi ya sekolo, meusiamo wa sekolo kapa moo ho bolokwang ditaba tsa motse.
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale ka tshebediso ya mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng, mme hape o kgona ho hlokomela phapang pakeng tsa nnete le mohopolo feela mehloding.
O kgona ho hlophisa diketsahalo, batho le diphetoho ka nako ka tsela e kenyelletsang mantswe a kang BC AD, CE, BCE. (tokodiso ya nako), fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketsahalo tsa bohlokwa tse etsahetseng maemong a fetang bonngwe (sesosa le ditlamorao), mme hape o fana ka mabaka le ho hlalosa diphetho tsa diketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong fetang bonngwe (phetoho le tswello)?
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale, bakeng sa ho hlalosa hore dintho tsena di na le tema efe dipontshong tsa phaposi ya sekolo, meusiamo wa sekolo kapa moo ho bolokwang ditaba tsa motse.
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo, a ntse a hlokomela le hore ke hobaneng ketshalalo e hlalositswe ka ditsela tse sa tshwaneng. O kgona ho bona phapang pakeng tsa mohopolo feela le nnete mehloding mme hape o fana ka mabaka a tlisitseng mehopolo eo.
O kgona ho etsa se ka hodimo le ho etsa maemo a nako le ho etsa setswantsho ho bontsha dinako le diketsahalo tsa kgale (tokodiso ya nako), ho hlalosa le ho bontsha dikamano pakeng tsa mabaka le diphetho tsa diketsahalo le diphetoho tsa bohlokwa (sesosa le ditlamorao) mme o hlalosa hore ke hobaneng dikarolo tse itseng tsa setjhaba di fetohile kapa di sa fetoha maemong a itseng.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse supang ditaba tsa kgale mme o bile o kgona ho sisinya hore setsebi se ka sebedisa dintho jwang ho leka ho utlwisisa ditaba tsa kgale.
Ho na le mefuta e mmedi ya disebediswa e bohlokwa dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Tsena ke mofuta o tlwaelehileng, o tla ba karolo ya thepa ya sekolo, ha mmoho le disebediswa tseo titjhere e di bokellang ha nako e ntse e tsamaya.
<fn>sot_Article_National Language Services_DIKGOKA TSE THEHILWEN.txt</fn>
Dikgoka tse thehilweng ho bong ke eng?
Dikgoka tse thehilweng ho bong di kenyeletsa ditlhekefetso tse fapafapaneng tse batsi haholo tse kenyeletsang peto, ditshoso tsa thobalano, ho jewa mmetwane, ho nyenyefatswa, ho tetekwa, tlhekatlheko, dikgoka tsa lelapa, peto ya ho robalana le ba lelapa, thekiso ya mmele e e sa etsweng ka boithaopo, tshotlo, ho subela ditho mekoting ya bokatlase ba batho le teko ya peto.
Tshebediso ya lentswe lena "dikgoka tse thehilweng ho bong" e fana ka moelelo o motjha oo ka ona ho ka hlahlojwang le ho utlwisisa dikgoka tse lebisitsweng ho basadi. Maikutlo a suthiswa ho basadi jwalo ka diphofu mme a tsepamiswa ho bong ba batho le dikamanong tsa matla a sa lekaneng dipakeng tsa basadi le banna tse bakilweng le ho dula di rotetswa ke ditlwaelo tsa bong jwalo ka disosa tsa dikgoka tse lebisitsweng ho basadi.
Lentswe lena "dikgoka tse tobisitsweng ho basadi" le bolela ketso efe kapa efe ya mofuta wa dikgoka tsa bong e qetellang kapa e nang le monyetla wa ho baka kotsi mmeleng, ya hlekefetsa kapa ya baka kotsi kelellong ya mosadi, ho kenyeleditswe le ditshoso tsa ketso tse jwalo, qobello kapa ho hlokiswa bolokolohi ka mokgwa ofe kapa ofe, ho sa natswe hore sena se etsahala pontsheng kapa bophelong ba praevete.
Tlhekefetso ke eng?
Tlhekefetso le qobello ke mantswe a akaretsang diketso tsa boitshwaro bo fapafapaneng. Mantswe a tlwaelehileng a sebedisetswang ho hlalosa tlhekefetso tsa mofuta o tjena a kenyeletsa: peto, peto ya mohla o itseng, peto e etswang ke sekgakgatha, ho qobellwa ho kena thobalanong, tlhekefetso, ho hlekwahlekwa, boipepeso bo sa amoheleheng le ho tshwaratshwara ho sa amoheleheng. Boitshwaro bo jwalo bo tsamaisana le lethathama la tlhekatlheko le ho tshwaratshwara ho sa amoheleheng le maikutlo a tsa thobalano ho isa ho peto le polao ya peto. Le ha ho na le phapano dipakeng tsa boitshwaro bo dipakeng tsa dintlha tse pedi tsa lethathama la diketso tsena (ho na le phapano dipakeng tsa ho letsetswa molodi ka tsela ya kananelo ke monna (wolf-whistled) le ho betwa), boitshwaro bo fumanehang bo atamelane haholo bo phophoma ebile bo tsholohela ka ho bo bong, bo baka dikarolo tseo ho phehisanwang ka tsona hangata?
Dikgoka tsa lapeng ke eng?
Batho ba bangata ba nahana hore dikgoka di bolela ho tekekwa feela, ho ntshang batho ba bang kotsi. Kutlwisiso e batsinyana ya dikgoka e tadima le taba ya ho utlwisa motho bohloko maikutlong a hae le tshenyo ya theepa le dintho tseo motho a nang le tsona e le mofuta wa dikgoka. Re buwa ka dikgoka malapeng kapa dikamano tsa lelapa, re sebedisa kutlwisiso ena e batsi ya dikgoka. Ha re sebedisa lentswe lena tlhekefetso le lona le bolela dikgoka tsa lapeng?
Ke patrone ya taolo e qobellang eo motho e mong a e sebedisang ho e mong hore a mo laole le ho fumana dintho ka tsela ya hae. Tlhekefetso ke boitshwaro bo ntshang kotsi mmeleng, bo tlisang tshabo, bo thibelang motho hore a etse seo a se batlang kapa bo qobellang batho ho etsa dintho ka tsela eo ba sa batleng ka yona.
Ho fetola motho phofu kgetlo la bobedi ke ha ho etsahetse jwang?
Taba ya ho fetola motho phofu hape e bolela tsela ya ho etsa motho phofu a ile a etswa phofu pele. Sena se etsahala maemong a fapafapaneng mokgweng wa ho sebetsana le toka le ditlolo tsa molao le setjhabeng. Ho fetolwa phofu kgetlo la bobedi ho tswalwa ke ha mekgatlo ya boemedi (kapa batho) ba lokelang ho hlokomela mahlatsipa ba hloleha ho phetha boikarabelo ba bona, mme ka hoo lehlatsipa le qetella le wetswe ke koduwa ya bothata le bohloko hape.
Matlafatso a phofu ke eng?
Mekgatlo ya Setjhaba e ka ba le nyehelo e kgolo ka ho fokotsa taba ena ya ho fetola batho diphofu kgetlo la bobedi ka ho fana ka lesedi ho mekgatlo ya boemedi e loketseng ha mmoho le ho ditho tsa setjhaba. Ho matlafatsa diphofu le ho etsa hore mekgatlo ya boemedi e jare boikarabelo ke ditshiya tsa phediso ya diketsahalo tsena tsa taba ya ho fetola batho diphofu kgetlo la bobedi mokgweng wa taolo ya ditlolo tsa molao le ho fana ka toka. Phofu ke motho ofe kapa ofe ya ileng a ntshwa kotsi kapa a lahlehelwa ka lebaka la tlolo ya molao, ha matlafatso e le ho fana ka matla ka tsela e tobileng. Matlafatso ya phofu ka hoo e bolela: ho fana ka matla ho batho bao ebileng diphofu?
Katamelo e tobisitsweng ho phofu ke eng?
Dipallo tsa Molao wa motheo ke dife?
Tokelo ya ho se etsetswe dikgoka le ho hlekefetswa pontsheng kapa lapeng.
Molao wa motheo o fana ka tokelo ho motho e mong le e mong hore a be le bolokolohi le tshireletso ya dikgoka tsa mofuta ofe kapa ofe.
Molao wa motheo o etsa monyetla wa hore motho e mong le e mong a se ke a kgethollwa. Hona ho bolela hore basadi le banna ba lokela ho fumana menyetla e lekanang sebakeng sa mosebetsi. Basadi le banna ba lokela ho ba sebakeng sa mosebetsi se se nang tlhekefetso.
Katoloso ya tlhaloso ya peto hore e kenyeletse ho kena sethong sa karolo ya thobalano ntle le tumello ya motho e mong le hore e be tlolo e kenyeletsang bong.
<fn>sot_Article_National Language Services_DIKOPORASI1.txt</fn>
Lentswe "corperative" (koporasi) le nkuwe lentsweng "cooperate" (ho sebedisana) mme le bolela ho sebetsa hammoho ho fihlella sepheo se tshwanang. Sepheo se tshwanang se ka etsang hore batho ba sebedisane e ka nna ya ba ntho efe kapa efe jwalo ka ho boloka tjhelete, ho aha matlo, kapa ho thea koporasi ya kgwebo o hlahisang mesebetsi bakeng sa ditho tsa koporasi eo.
Koporasi ke lekgotla le ikemetseng la batho ba ithaopelang ho kopana ka sepheo sa ho fihlella ditlhoko tsa bona tse tshwanang tsa moruo, setjhaba le setso le ditabatabelo ka ho ya ka koporasi e kopanetsweng le e laolwang ke maikutlo a bongata mme koporasi eo e hlophiswa le ho tsamaiswa ka melao ya koporasi.
Phapang ke Efe pakeng tsa Koporasi le Khampani?
Koporasi e hlophiswa ka sepheo sa ho fana ka tshebeletso ho ditho tsa yona. Ka ho tlwaelehileng mona Afrika Borwa tshebeletso e jwalo e kenyelletsa ho neha ditho tsa koporasi mesebetsi. Khampani e thewa ka sepheo sa ho etsa phaello bakeng sa beng ba yona e seng ho neha baahi ba motse mesebetsi.
Koporasi ke sehlopha se hlophisitsweng se laolwang ke lentswe la bongata ba ditho tsa yona. Sena se bolela hore maemo a mosebetsi, meputso e lefuwang le diqeto tse ding tsohle tsa kgwebo di etswa ke basebetsi. Molao wa koporasi e bontsha hore setho se le seng se amohela voutu e le nngwe nakong eo ho etswa diqeto.
Leha ho le jwalo, khampaning ya praevete, monga khampani eo ke yena ya nang le taolo e feletseng mabapi le hore basebetsi ba tshwanetse ho tshwarwa jwang le ho etsa diqeto tsohle tsa kgwebo. Khampaning ya batho bohle batho ba nang le diabo ke bona ba laolang diqeto tsa kgwebo mme haeba motho a na le diabo tse ngata khampaning eo, o tla ba le divoutu tse ngata.
Khampaning beng ba kgwebo ke bona ba bolokang boholo ba phaello e etswang ke khampani eo. Mme hangata ba dula metseng e meng. Sena se bolela hore tjhelete e etswang ke khampani motseng oo e ya tswa mme esita le ho tswa naheng. Dikoporasi yona e thibela ho tswa hona ha tjhelete motseng ka hobane basebetsi ba arolelana phaello ka ho lekana. Ka hobane basebetsi ba dulang motseng oo mme ba sebedisa tjhelete ya bona motseng oo, sena se etsa hore metse ya bona e matlafale.
Ka hobane basebetsi ba laola kgwebo ho ya ka lentswe la bongata mme hape ba kgetha batsamaisi ba kgwebo, batsamaisi ba ikarabella ho basebetsi mme ba ke ke ba etsa hore mofufutso ba basebetsi o tswele boyeng ba ntja jwalo ka ha ho etsahala khampaning. Basebetsi ba fuwa matla ka hobane ba laola diqeto tse etswang mosebetsing.
Khampani ke kgwebo e sebetsang ka sepheo sa ho etsa phaello bakeng sa batho ba mmalwa. Hangata sena se bolela hore basebetsi ba tlohediswa mosebetsi mme dibaka tsa mosebetsi di a kwalwa haeba ho sa etswe phaello e lekaneng bakeng sa beng ba khampani kapa haeba beng ba khampani ba ka kgona ho etsa phaello dibakeng tse ding. Empa ka lehlakoreng le leng, koporasi e thewa ka sepheo sa ho fana ka mosebetsi ho baahi ba motse. Beng ba koporasi ke basebetsi ba dulang motseng mme ba ke ke ba kwala kgwebo e le hore ba etse phaello dibakeng tse ding.
Dikoporasi ke mekgatlo ya boithaopo - ha ho motho ya qobellwang hore e be setho sa yona. Dikoporasi di buletswe batho bohle ba ka kgonang ho sebedisa ditshebeletso tsa bona le ba ithaopang ho amohela boikarabelo bakeng sa ho ba ditho tsa koporasi. Ha ho na kgethollo ya bong, botjhaba, borabe, dipolotiki kapa bodumedi.
Dikoporasi di laolwa ke lentswe la bongata ba ditho tsa tsona. Ditho di na le seabo se seholo mabapi le ho etsa diqeto dipholising. Koporasi e ka kgetha ditho tse itseng hore di sebetse dikomiting tse itseng kapa ho etsa mesebetsi e itseng. Leha ho le jwalo, ka dinako tsohle ditho tsena di tshwanetse ho ikarabella ho ditho tsa koporasi.
E mong le e mong koporasing o na le lentswe le lekanang - voutu e le nngwe bakeng sa setho se le seng. Ha ho tsotellehe hore na setho se na le diabo tse kae koporasing, hore na setho se etsa kgwebo e kae bakeng sa koporasi, kapa hore na setho ka seng se etsa mosebetsi o mokae. Setho se seng le se seng se na le lentswe le lekanang mabapi le diqeto kaofela tse kgolo.
Sepheo sa bohlokwa haholo sa koporasi ke ho fana ka ditshebeletso dithong tsa yona. Sepheo sa koporasi ke ho nea ditho tsa yona ditshebeletso tse sa tureng, kapa ho etsetsa ditho tsa yona mesebetsi. Ditlhoko tsa ditho ke tsona tse tlang pele. Ditho tsa koporasi e fanang ka ditshebeletso di ka bapatsa dihlahiswa tsa tsona ka theko e ntle; di ka rata ho reka thepa ka ditheolelo; kapa di ka rata ho etsa dikadimo tsa tjhelete ka tswala e sa phahamang haholo kadimong.
Ditshebeletso dife kapa dife tsa koporasi di tshwanetse ho fuwa ditho ka ho kgethehileng. Mohlala, koporasi ya balemi e tla bapatsa haholo dijalo tsa masimong kapa diphoofolo tsa ditho tsa yona, e seng bakeng sa batho ba leng ka ntle ho koporasi. Metjhini e rokang ya koporasi ya ho roka e tla ba ya ditho tsa koporasi ka ho kgethehileng, e seng bakeng sa batho ba ka ntle bao e seng ditho tsa koporasi.
Ditho di tla ntsha "tjhelete" bakeng sa koporasi ya bona le ho laola ditaba tsa moruo tsa koporasi ka lentswe la bongata. Koporasi e sebedisa "tjhelete" ena ho fihlella ditabatabelo tsa koporasi. Dikoporasi di ka fumana tjhelete ena ka diabo tse rekisitsweng dithong, ditefo tsa ho ba ditho, dithuso, dinehelo, dikadimo le ditjhelete tse setseng mesebetsing ya dilemo tse fetileng.
Tjhelete e itseng (mme mohlomong kaofela ha yona) eo koporasi e e sebedisang bonnete ke tjhelete ya ditho, hangata e bopa diabo le diabo tsa dibonase. Setho se seng le se seng se tsetela ka tjhelete e itseng le ho amohela diabo. Diabo di bontsha hore setho se na le thepa e itseng (tjhelete le thepa) ya koporasi. Tjhelete efe kapa efe e nngwe eo koporasi e e sebedisang ke ya koporasi kaofela.
Motho ya nang le diabo khampaning o reka diabo ka tshepo ya hore o tla etsa phaello. Setho sa koporasi se kena koporasing le ho ntsha tjhelete ka hobane koporasi e neha ditho melemo e itseng.
Haeba koporasi e sallwa ke tjhelete ka mora ho lefa dikoloto tsohle le makgetho le ho neha ditho ditjhelete tse rerilweng, tjhelete eo e setseng e bitswa "tjhelete e setseng". Ka ho tlwaelehileng tjhelete e jwalo e setseng e sebediswa haholo ho ntshetsa pele koporasi. Mohlala, ka ho tlwaelehileng koporasi e rera hore e be le tjhelete e salang e sebediswang e le hore e sebedise tjhelete eo bakeng sa ho atolosa le ho ntshetsa pele kgwebo ya koporasi kapa ditshebeletso tseo e di fang ditho tsa yona.
Leha ho le jwalo, haeba ho na le tjhelete e setseng e neng e sa lebellwa, sena se bolela hore (koporasing ya basebetsi) mohlomong meputso e ne e le hodimo haholo kapa (koporasing e fanang ka ditshebeletso) ditheko kapa ditefiso tsa ditshebeletso di ne di phahame haholo. Boemong boo, tjhelete ena e setseng e ka kgutlisetswa ho ditho, kapa e ka sebediswa ho tshehetsa mesebetsi e meng e dumeletsweng ke ditho.
Tjhelete efe kapa efe e fetang e neng e rerilwe e fuwang ditho e tshwanetse ho abuwa ho lekana le tjhelete e ntshitsweng ke setho ka seng bakeng sa tjhelete ena e setseng. Mohlala, koporasi ya krosari e ka kgutlisetsa karolo ya tjhelete e setseng ho ditho tsa yona ho lekana le boleng ba thepa e rekilweng ke setho ka seng nakong ya selemo.
Dikoporasi di ikemetse mme di laolwa ke ditho tsa tsona. Dikoporasi di ka etsa ditumellano le mmuso le dikoporasi tse ding, empa ka dinako tsohle di tla tiisa hore di boloka taolo ya tsona e laolwang ke lentswe la bongata ba ditho tsa yona. Dikoporasi ha di a lokela ho laolwa ke mekga e meng e tswang ka ntle.
Koporasi e tshwanetse ho tswela pele e fane ka thuto le thupelo ho ditho tsa yona, e kgethe bahlokomedi, batsamaisi le bahiruwa. E tshwanetse ho ruta ditho tsa yona ditaba tse mabapi le tsamaiso le taolo ya koporasi, ditokelo le boikarabelo ba ditho tsa koporasi, le ditaba tsa kgwebo. Ditho tsohle tsa koporasi di tshwanetse ho hlomellwa hantle hore di kenye letsoho ka katleho ntshetsopeleng ya koporasi. Hape koporasi e tshwanetse ho neha batho bohle lesedi mabapi le dikoporasi tsena le kamoo di sebetsang ka teng.
Dikoporasi di tshwanetse ho sebedisana. Sena se tla matlafatsa tsamaiso ya dikoporasi.
Dikoporasi di sebeletsa ntshetsopele ya baahi bohle ba tsona. Diqeto di etswa ke ditho, empa ditho di lebeletswe hore di bontshe kameho bakeng sa ntshetsopele ya baahi ba ka thusang motho e mong le e mong.
Molao ha o thibele lenane la mefuta ya dikoporasi e ka ngodiswang.
Koporasi ya temo ke koporasi e hlahisang, e etsang kapa e bapatsang dihlahiswa tsa temo le ho fana ka lesedi kapa ditshebeletso ho ditho tsa yona.
Koporasi ya bareki ke koporasi e fumanang le ho aba thepa ya ditho tsa yona le bao e seng ditho, le ho fana ka ditshebeletso bakeng sa ditho. Koporasi e rekang dikrosari ka bongata le ho di rekisetsa ditho tsa yona le batho bohle le ho di neha ditho tsa yona ka ditheolelo tse kgethehileng kapa ho kgutlisetswa tjhelete ya thekiso ke mohlala wa koporasi ya bareki.
Koporasi e bapatsang le e fepelang ka thepa ke koporasi e hlahisang lesedi kapa e sebetsang ka dihlahiswa tsa bona. Mohlala wa sena ke koporasi e rokang e nehang ditho tsa yona masela le metjhini e rokang le ho bapatsa thepa e rekilweng. Karolo ena e kenyelletsa ho bapatsa dikoporasi tsa temo le tse fepelang ka thepa.
Koporasi ya matlo ke koporasi eo haholoholo o fanang ka matlo bakeng sa ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase e fanang ka ditshebeletso tsa bokgoni le tsebo dikoporasing tsa matlo.
Koporasi ya ditshebeletso tsa ditjhelete ke koporasi eo sepheo sa yona se seholo e leng ho fana ka ditshebeletso ho ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase ho yona e fanang ka ditshebeletso tsa ditjhelete koporasing e kgolo. Mohlala ke koporasi e tsetelang le e fanang ka dikadimo moo ditho di tsetelang hammoho le ho adimana ka tjhelete.
Koporasi ya setjhaba ke koporasi e sa etseng phaello e fanang ka ditshebeletso ho ditho tsa yona, jwalo ka tlhokomelo ho maqheku, bana le batho ba kulang.
Koporasi ya lepato ke koporasi e fanang ka ditefello tsa lepato, ho kenyelletswa le inshorense ya lepato le ditshebeletso tse amanang le lepato, bakeng sa ditho tsa yona le batho ba itshetlehileng ka ditho tsena.
Koporasi ya ditshebeletso ke koporasi e fanang ka ditshebeletso tsa matlo, tlhokomelo ya bophelo, dipalangwang, neheletsano kapa ditshebeletso tse ding.
Koporasi ya basebetsi ke koporasi e nehang ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase e fanang ka ditshebeletso dikoporasing tse kgolo.
Ho ka kgoneha hore mefuta e mebedi ya dikoporasi e kopane bakeng sa merero e mengata.
Pele koporasi e kopa hore e ngoditswe, koporasi eo e tshwanetse ho tshwara seboka se le seng bonyane le batho ba thahasellang pele koporasi e kopa ho ngodiswa. Batho ba leng sebokeng seo ba tshwanetse ho amohela molao wa motheo wa koporasi le ho kgetha batsamaisi ba pele ba koporasi.
Ka mora seboka sena, sehlopha se tshwanetse ho romela kopo ho Mongodisi wa Dikoporasi (Registrar of Cooperatives) bakeng sa ngodiso. Kopo ena e tshwanetse ho etswa foromong ya mmuso e fumanehang ofising ya Mongodisi.
Ditho tsa koporasi ya bobedi e ka nna ya ba "batho ba molao" jwalo ka dikoporasi tsa batho ho e na le batho ka bomong. "Motho wa molao" ke sehlopha se nang le matla a tshwanang a molao jwalo ka motho ka mong, jwalo ka tokelo ya ho saena dikontraka le ho tlisa dinyewe makgotleng a molao.
Tefello ya ngodiso, kapa bopaki ba hore tefello ya ngodiso e entswe.
Tjhelete e lokelang ho leshwa bakeng sa ngodiso e hlaloswa ke melao e leng dikarolong 1 le 6 tsa Molao wa Dikoporasi.
Kopo e kgotsofatsa dintho tsohle tse hlokahalang ho ya ka Molao wa Dikoporasi.
Molao wa motheo wa koporasi eo o fihlella dintho tsohle tse hlokahalang tsa Molao wa Koporasi.
Molao wa motheo wa koporasi e iphaphatha le melao ya koporasi.
Lebitso le sisintsweng la koporasi eo le iphaphatha le melao ya Molao wa Dikoporasi mabitso a koporasi.
Haeba Mongodisi a kgotsofetse hore kopo ena e fihlella maemo ana kaofela, Mongodisi o tla neha koporasi eo lengolo la tumello la ngodiso le nomoro ya ngodiso. Hang ha koporasi e ngodisitswe, o fetoha "motho wa molao". Sena se bolela hore koporasi eo e na le matla a molao jwalo ka dikhampani le dihlopha tse ding tse tshwanang le yona.
Mohlala, koporasi ena o tla tswela pele o le teng esita le haeba ditho tsa yona di fetoha ka mora nako. Koporasi ena o ka nna wa bula diakhanto tsa banka le ho reka thepa. O ka nna wa etsa ditumellano tsa kontraka le ho ba karolo ya dinyewe tsa lekgotla. Jwalo ka "motho wa molao" koporasi e na le ditokelo tse tshwanang le matla a tshwanang le a batho ba bang.
Pele sehlopha se ngodiswa jwalo ka koporasi, ha se na matla ana. Haeba motho ya sebeletsang lebitsong la koporasi a kena tumellanong ya kontraka ka lebitso la koporasi pele koporasi e ngodiswa, motho eo o tla ikarabella bakeng sa diphello tsa diketso tsa hae. Empa leha ho le jwalo, koporasi e ka etsa tumellano ya kontraka nakong ya kgwedi e le nngwe ka mora hore o ngodiswe ho ya ka qeto e entsweng sebokeng se tlwaelehileng. Haeba koporasi e amohela tumellano ya kontraka ka tsela ena, koporasi e tlangwa ke yona mme motho ya ileng a saena kontraka ena a ke ke a hlola a tlangwa ke kontraka eo.
O kgothalletsa tshwaro e lekanang le ho nka karolo ha ditho tsa yona.
Koporasi e nngwe le e nngwe e ngodisitsweng e tshwanetse ho ba le lebitso le fapaneng le la mabitso a dikoporasi tse ding. Mongodisi wa Dikoporasi a ke ke a dumella ho ngodisa lebitso le tshwanang le lebitso la koporasi e nngwe e le hore ho se be le pherekano.
Mongodisi o tla hana ho dumella lebitso le ka lahlang batho, le sa rateheng kapa le hanetsweng ka tsela efe kapa efe. Mohlala, koporasi e ke ke ya ipitsa "khampani".
Lebitso lena "koporasi" kapa "co-op" le tshwanetse ho ba karolo ya lebitso. Lentswe "Limited" kapa kgutsufatso ya lona "Ltd" le tshwanetse ho hlaha qetellong ya lebitso ho bontsha hore koporasi e na le boikarabelo bo lekanyeditsweng.
Koporasi e tlase e tshwanetse ho ba le mantswe ana "secondary cooperative'" (koporasi e tlase) jwalo ka karolo ya lebitso la yona mme koporasi ya boemong ba bararo e tshwanetse ho ba le mantswe ana "tertiary cooperative" (koporasi ya boraro).
Koporasi e tshwanetse ho kenyelletsa lebitso la yona dikontrakeng, ditshupamelatong, ditjhekeng, mangolong a kgwebo, diotareng le ditokomaneng tse ding tsa koporasi. Lebitso la koporasi le tshwanetse ho ngolwa sebakeng sa yona sa kgwebo. Koporasi e tlase kapa ya boraro e tshwanetse ho bontsha hore ke koporasi e tlase kapa ya boraro ditokomaneng tsohle tsa yona.
Lebitso la koporasi e tlase kapa ya boraro e tshwanetse ho bontsha ka nepo bakeng sa kgwebo e hlaloswang molaong wa motheo wa koporasi. Mohlala, koporasi e tlase e sebetsanang le ditaba tsa matlo e ke ke ya ipitsa ka hore ke koporasi e tlase ya ho tsetela kapa hore ke koporasi ya kadimo ya ditjhelete.
Mongodisi wa Dikoporasi a ka laela koporasi hore o fetole lebitso la yona haeba lebitso leo le sa iphaphathe le ditaelo tsa Molao wa Dikoporasi.
Haeba koporasi eo e sa latele ditaelo tse jwalo nakong ya matsatsi a 60, Mongodisi a ka ntsha lengolo le leng la tumello le fetotsweng le fanang ka lebitso le letjha la koporasi eo le ho fetola molao wa motheo wa yona hore o bontshe phetoho ena. Haeba sena se etsahala, Mongodisi o tla hlophisa hore ho be le tsebiso ya batho bohle ka mabitso le phetoho ena ya lebitso.
Ha ho motho kapa sehlopha ntle ho koporasi se ka bontshang ka tsela efe kapa efe hore se etsa mesebetsi ya koporasi e ngodisitsweng. Ke tlolo ya molao ho tlola melao ena.
"Hohle moo lentswe "dikoporasi" kapa "koporasi" le hlahang le fetoletse lentswe la Senyesemane "corperative(s)".
<fn>sot_Article_National Language Services_DIPHATLALATSO TSA POL.txt</fn>
Na Polokelo ya Semolao ke eng?
Polokelo ya Semolao ke tlamo ya molao eo baphatlalatsi ba mefuta yohle ya ditokomane ba bolokang palo e itseng ya dikhopi tsa tokomane ka nngwe e phatlaladitsweng dibakeng tseo ba di kgethileng tsa polokelo ya semolao.
Mona Afrika Borwa, tokelo ya dilaeborari tsa polokelo tsa molao hore di amohele dikgatiso tsa ditokomane tse phatlaladitsweng e tshetlehilwe hodima Molao wa Polokelo ya Semolao wa 1997 (Molao wa No. ya 54 wa 1997).
Ditokomane di lokelwa ho romelwa dibakeng tsa polokelo ya semolao ka ditjeo tse tla leshwa ke baphatlalatsi matsatsing a 14 ka mora phatlalatso.
Sepheo sa polokelo ya semolao ke ho bokella, ho boloka le ho etsa hore kajeno le ka moso lefa la dingolwa le la setho la naha le be teng, le ho hlokomela hore ho ke ho fihlellwe ditokomane tsohle tse amohetsweng.
Polokelo ya semolao Afrika Borwa e qadile ka selemo sa 1842 ha Molao wa Tumellotshebediso wa Brithane o ne o sebediswa Mmusong wa Borithane ohle.
Molao o ile wa tswela pele ka Molao wa Tumellotshebediso wa 1965 le Molao wa Phatlalatso wa Polokelo wa Semolao ka selemo sa 1982, ho fihlela Molaong wa hona jwale, Molao wa Polokelo wa Semolao, o fetisitsweng ka selemo sa 1997, ho kenyeletswa polokelo ya ditokomane tsa eleketeroniki le pono-kutlo (audio-visual).
Tokomane ke eng?
Tokomane ke ntho e nngwe le e nngwe e reretsweng ho boloka kapa ho fetisa tsebo ka mongolo, mekgwaritso, dipono, dikutlo kapa mokgwa o mong o utlwisisehang ka tsamaiso e nngwe le e nngwe?
Na ke eng e lokelwang ho bolokwa?
Tjhelete ya pampiri kapa ditjheke.
E bopa motheo wa pokello ya dipalopalo tsa tlhahiso ya dibuka tsa matjhaba ka Mokgatlo wa Saense le Thekenoloji wa Thuto wa Kopano ya Matjhaba (UNESCO) oo e leng mohlodi wa bohlokwa wa lesedi kgwebong ya dibuka.
ELA HLOKO: Laeborari e nngwe le e nngwe e hloka kgatiso e le nngwe feela ya tokomane ka nngwe. Diakhaeve tsa Modumo le Video, Ditshwantsho tsa Setjhaba (The National Film, Video and Sound Archives) di hloka ditokomane tsa mmino, dintlha tsa sinematokerafi, media ya tse ngata, dikgatiso tsa medumo le divideo.
<fn>sot_Article_National Language Services_DIPHETOHO TSA KOMITI.txt</fn>
Leqhepeng la 5, moleng wa 17 le wa18, ho hlakolwe ho latela karolo ya 7 (j) ya Molao ona?
Leqhepeng la 5, moleng wa 51, ho ntshwe (j), ho kenywe (2)(b)?
Leqhepeng la 8, moleng wa boraro, ka morao ho matshwao ana , ho kenywe le?
Polelwana e hannwe.
Leqhepeng la 9, moleng wa 28, ka morao ho mohlanka, kenya setho ho ya ka boemo ba hae?
Leqhepeng la 11, moleng a 15, ka morao ho , ho kene le?
Leqhepeng la 11, moleng wa 26, ho ntshwe 33 ho kene 32?
Leqhepeng la 11, moleng wa 27, ho ntshwe 39 ho kene 38?
Leqhepeng la 11, moleng wa 34, ka morao ho  ho kene (b)?
Leqhepeng la 11, moleng wa 38, ka morao ho , ho kene kapa?
Leqhepeng la 12, moleng wa 51, ho ntshwe 23, ho kene 23 ?
Leqhepeng la 13, moleng wa 27, ho ntshwe lentswe la mopeleto o fosahetseng wa Letona, mme ho kene lentswe la mopeleto o nepahetseng la Letona?
Leqhepeng la 13, moleng wa 27 ho isa ho wa 28, ho ntshwe se lohothwang karolong ya 54 , ho kene e entswe ho latela Molao ona?
Leqhepeng la 14, moleng wa 9, ho ntshwe e lokelang?
Leqhepeng la 14,moleng wa 10, ka morao ho (a) ho kene e lokelang?
Leqhepeng la 15, moleng wa 33, ka morao ho , ho kene le?
Leqhepeng la 16, moleng wa 20, ka morao ho Letona ho kene?
Leqhepeng la 16, moleng wa 25 ho isa ho wa 26, hlakola , ka therisano le Letona la Ditaba tsa Mobu?
Leqhepeng la 17, moleng wa 18, ho hlakolwe 34 ho kene 33?
Leqhepeng la 18, moleng wa 44, ho hlakolwe mohla ho kene mme e be?
Leqhepeng la 19, moleng wa 17, ka morao ho kgahlano ho hlakolwe ya?
Leqhepeng la 20, moleng wa 18, hlakola molaodi ho kene Ho nkuwa o le motho ka molao?
Leqhepeng la 20, moleng wa 19, ka morao ho molaodi ho kene setho sa Terasete kapa setho?
Leqhepeng la 21, moleng wa 46, ka morao ho boromuwa ho kene le mosebetsi?
Leqhepeng la 23, moleng wa 2, ka morao ho 4 ho kene Shejulung ya 1?
<fn>sot_Article_National Language Services_DIPHETOHO TSE ENTSWEN.txt</fn>
Leqepheng la 3, moleng wa 23, ho ntshwe Molao wa Kabo, 2001 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2001) mme sebakeng sa ona ho kengwe Molao wa Kabo o tshwanetseng?
Leqepheng la 3, moleng wa 20, ho ntshwe 2001 mme sebakeng sa yona ho kengwe 2002?
Tefello efe kapa efe ya phaello le tefo ya boitlamo le melato efe kapa efe dilemong tse latelang tsa ditjhelete e tla ba tefiso e otlolohileng ho tswa Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha jwalo ka ha e ka ke ditefello tsa dikadimo jwalo ho ya ka karolo ya 73 ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 Molao wa Nomoro ya 1 wa 1999.
<fn>sot_Article_National Language Services_DITATAISO TSA TLHAHIS.txt</fn>
Tlhahisoleseding ena e kopantshitswe bakeng sa ho thusa wena ka kopo ya hao ya ho fumana thuso ya tjhelete ho tswa ho NAC. Ditataiso tsena di sebetsa feela diprojekeng ya thuso ya ditjhelete.
Ke mang ya tshwanelehang ho fumana thuso ya ditjhelete?
Batho, Dihlopha tsa motse, di-institjhushene le dikhampani di ka kopa thuso ya tjhelete. O ka etsa kopo ya thuso ya tjhelete tlasa makala ana a latelang a bonono, Tsebo ya Mesebetsi ya Matsoho, Motanso/Khoreokerafi, Dingolwa, Mmino le Theatre ya Mmino, Theatre/Terama, Makala a Fapafapaneng le Bonono bo Bonwang. Mekgatlo, di-institjhushene le dihlopha di tshwanetse ho ngodisa ho ya ka molao. Bakopi ba tshwanetse ho ba batho ba baholo ka ho ya ka molao mme e be batho ba Afrika Borwa.
Kopo tsa batho ke tse etsuwang ke motho ka mong ya qadileng projeke. Ha ho na batho ba bang ba lokelang ho hirwa projekeng ena. Sepheo sa hona ho tswela molemobangodi ba dipapadi tsa kalaneng ka bong, dikhoreokerafa, baqapi le bapenti.
Ka mokgatlo re bua ka sebopeho se ngodisitsweng se nang le batho ba sebetsang mmoho.
Thuso ya Projeke ka tjheleteRe kopa hore o ele hloko hore NAC e ka nna ya se be maemong a ho thusa ka tjhelete ya tekanyetso yohle ya projeke. Ka hoo o eletswa ho tswela pele ka ho batla thuso ya ditjhelete ho tswa mehloding e meng. Ka kakaretso, thuso ya tjhelete e tla ba ya mananeo a bonono. Dikhotheishene tsa ditjeo di lokela ho tsamaya le foromo ya kopo mme bakopi ba TSHWANETSE ho bolela mehlodi yohle e meng e ba thusang ka ditjhelete. Boholo ba nako ya ho tsamaisa projeke dikgwedi tse leshome le metso e mebedi. Ho tshwanetswe hore ho hlahiswe mabaka ha ho na le ditjeo tsa tsamaiso tse fetang 15%. Diprojeke di thuswa ka tjhelete ha nngwe feela selemong sa ditjhelete. Dikopo tsohle di tshwanetswe ho etswa diforomong tsa kopo tsa semmuso tsa NAC. Diprojeke di lokela ho ba atereseng e boletsweng foromong ya kopo. Diphetolo dife kapa dife tsa aterese di lokelwa ho bolellwa ba diofisi tsa NAC matsatsing a 7.
Dikopo tsa bohahlaudi di tla elwa hloko haebe bohahlaudi bo lohothwang bo tla ba le kabelo sebopehong sa naha sa khampani kapa sehlopha mme bo eketsa boleng bophelong ba batho ba Afrika Borwa ka kakaretso. Bakopi ba menngweng ho ya bapala ka ntle ho naha ba tshwanetse ho ba le mofuta o mong wa tshehetso ya tjhelete ho tswa naheng mo memileng kapa mokgatlong o mo memileng. Naha/mokgatlo o mo memileng o lokela ho romela bopaki ba ditjeo tse jwalo ka tsa bodulo, dijo, tjhelete eo a tla e sebedisa letsatsi le letsatsi le ya dipalangwang ka hara naha eo. Tumellano ya ho bapala le yona e lokela ho tsamaya mmoho le kopo ho ya ho NAC. NAC e ke ke ya ela hloko kopo efe kapa efe ya ho etela mose ha ho sa fanwa ka ditokomane tse kopilweng. Maemong ohle, NAC e ke ke ya ba motshehetsi ya mng feela wa ditjhelete. NAC e na le tokelo ya ho felehetsa bakopi bohle ma etelang dinaheng tsa matjhaba.
Dikopo di romelwa ho dihlooho tsa mafapha tsa di-institjhushene. Bongata ba kabelo ya tjhelete bo tla iswa ho thuso ka tjhelete ya Boloko?
Ba ithutelang postgraduate ba tla thuswa hanngwe feela hore ba fumane mangolo a bona a thuto.
NAC e thusa ka tjhelete dithutong tsa matjhabeng boemong ba undergraduate mmoho le ba post graduate. Dikopo tsena di ka ananelwa haebe mangolo ao a thuto ha wa yo ka hara naha. Bopaki ba kananelo bo tshwanetse ho tsamaya le dikopo. NAC e ke ke ya ba mothusi wa ditjhelete e le nngwe.
Letona la Naha la Bonono le setso le ananetse ho thuswa ka ditjhelete ha dikhampani tse ding tsa bonono bakeng sa nako ya dilemo tse tharo. Sepheo sa ho thusa dikhampani hape ke ho etsa hore dikhampani tse amehang mesebetsing ya bonono di be le botsitso mme di thuse ho theha mesebetsi e metjha le menyetla ya mesebetsi bakeng sa dinono. Thuso ya tjhelete e tshwanelwa ho fuwa mekgatlo ingodisitseng. Bakopi ba mengwa hang ka mora dilemo tse ding le tse ding tse tharo. Mofuta ona wa thuso ya ditjhelete ke ya dikhampani tsa bonono tse itshupileng di etsa mesebetsi e kgahlehang. Bao ba ka bang bakopi ba lokela ho ba le ditokomane tsena tse latelang: sebopeho sa khampani, moralo wa kgwebo, ho kenyelletswew le lenaneo la bonono, ditatemente tsa ditjhelete tse hlakisitsweng, sebopeho sa botsamaisi le boto.
Bakopi ba kotjwa hore ba romele ditokomane tsohle tse hlokehang le dikopo tsa bona. Dikopo tse rometsweng ka fekse, tse sa saenwang, tse rometsweng ka emeile le tse sa tlwatswang hantle, di ke ke tsa amohelwa. Dikopo tse sa tlwatswang hantle ka botlalo di ke ke tsa elwa hloko.
Matsatsi a ho qetela a dikopo a phatlalatswa dikoranteng tse kgolo tsa naha le weposaeteng ya NAC. Dikopo tse diehileng le tse sa tlwatswang hantle di ke ke tsa elwa hloko empa di tla sutisetswa kopanong e latelang ya thuso ka tjhelete. NAC e na le tokelo ya ho ananela/hanela kopo.
Tshireletso ya ditokelo: NAC e na le tokelo ya ho ka fana ka ditjhelete ho ya ka dintho tse leng ka hodimo lenaneng la lenaneo la NAC. Sena ha se tshehetse ditokelo tsa molao wa motheo tsa mokopi ofe kapa ofe. Ha ho na mokopi ya tla ba e tokelo e tla itlela feela ya ho thuswa ka ditjhelete; dithuso tsa tjhelete tsohle di etswa ka boikgethelo ba NAC.
<fn>sot_Article_National Language Services_DITLHOPHISO TSE NTJHA.txt</fn>
Re le ditho tse amehang tsa setjhaba se kgothaletseng temo, re itlama ho hlokomela hore ho be le basebetsi ba hlwahlwa ba lefapha la temo ba sebetsang sebakeng se bolokehileng malebana le maemo a lokileng a bophelo e le ho etsa bonnete ba hore lefapha la temo le ba le katleho e babatsehang.
Ho na le mekga e mengata ya dikamano mapolasing esita le kamohelo ya basebetsi mesebetsing e fapaneng, basebetsi ba nako tsohle, basebetsi ba dihla tse fapaneng, ditlhophisetso tsa boemedi ba mesebetsing e fapaneng esita le dikontraka tsa nako tse badilweng e leng tse tsepameng.
Tlhahiso ya melawana e metjha e ekeletsa bannga ba mesebetsi le basebetsi ditokelo le boikarabelo. Ho na le diketsahalo tse ding tseo ho tsona boramesebetsi le basebetsi ba bonahetseng ba ikgakanya melawana ena mme ka hona ba phelephanyetswe ke batho ba itlhalosang ba ba thusa.
Batho bohle ba dulang polasing, e ka ba bannga ba mesebetsi le basebetsi, ba ka futuhelwa ke dinokwane. Ntshetsopele ya dikamano tsa basebetsi le tumello ya ho kena mapolasing e lokela ho sebediswa ho hlokomela taba ena.
Ho lokela hore ho hlokomelwe ditokelo tsa botho jwalo ka ha di phatlaladitswe Melaong ya Ditokelo tsa Botho ho ikamahanya le Molao wa Motheo1.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tshwarwa le ho sebediswa hantle mosebetsing.
Motho a se qobellwe ho sebetsa.
Bana ba se ke ba sebetsa.
Ho be le bolokolohi ba dikopano esita le ho ananelwa ha ditokelo tsa ho etsa ditlhophiso esita le ho sebetsa ka kopanelo.
Ho se be le kgethollo malebana le phumantsho ya mesebetsi.
Ditokelo tsa bannga ba mapolasi di lokela ho hlokomelwa mme di se ke tsa hlomphollwa ke mang kapa mang ya amanang le lefapha la temo. Taba ena ha e qhelele ka thoko basebeletsi ba mmuso, ditho tsa mekgatlo ya kgwebo, le baeti ba basebetsi ba mapolasi hore ba fumane tumello ya ho sebedisa thepa ya polasi ho ntse ho sa lebalwe mathata a botlokotsebe a ka hlahang.
Ho etsa hore basebetsi ba polasi ba be le mekgatlo ya bona e fapaneng, ho ba le dipuisano boemong ba lehae, lebatowa kapa naha kapa ona mamulwana e le ho buisana ka dintlha tse amang paballo le polokeho mona mapolasing. Dipuisanong tsena ho lokela hore ho hlokomelwe le ho etsa bonnete ba hore masole a setjhaba le a poraefete a sebedisana hantle le bannga ba mosebetsi esita le basebetsi ba mapolasi. Ho lokela ho hlokomelwa ntlha ya tekano ya basebetsi esita le ho nka mehato e tshwanelehang ho fedisa boitshwaro bo bobe ba masole ana.
Ho leka hore ho hlokomelwe hore ho be le tatelano e itseng pakeng tsa batho ba nang le seabo malebana le tumello ya ho kena mapolasing.
Ho matlafatsa Lefapha la Bohlahlobi la Mesebetsi esita le baemedi e leng ba sebeletsang hore ho be le ditokelo tsa basebetsi ba mapolasi.
Matsatsi a phomolo ho kenyeletswa matsatsi a phomolo a tlang hanngwe ka selemo, matsatsi a phomolo a ho kula esita le matsatsi a phomolo bakeng sa ho beleha.
Bannga ba mosebetsi bohle mapolasing ba lokela ho ikobela le ho ikamahanya le Molao ona wa Bohlokwa wa Tlhokomelo ya Basebetsi.
Basebetsi bohle ba mapolasing ba lokela ho leshwa moputso o kgotsofatsang.
Bana ba dilemo tse ka tlase ho leshome le metso e mehlano ha ba tshwanela ho sebediswa mapolasing. Bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le dilemo tse leshome le metso e robedi ba lokela ho sebediswa feela mesebetsi e seng kotsi, e sa sitiseng menyetla ya bona ya thuto, mesebetsi e ke keng ya ba lematsa mmeleng, moyeng, boitshwarong kapa tswelopeleng ya bona setjhabeng.
Dintlha tsa kamohelo ya basebetsi ba dihla tse itseng, basebetsi ba sebetsang ka kontraka e tsepameng esita le mekgwa e meng ya kamohelo mosebetsing di lokela ho hlahlojwa nako le nako mme ba lokela ho fumantshwa menyetla e tshwanang le ya basebetsi ba nako tsohle.
Basebetsi ha ba lokela ho tlatlapuwa esita le ho lebellwa hore ba saene dikontraka tse ba etsang bannga ba ikemetseng ba dikontraka empa e le hore bonnete ke basebetsi feela?
Ka ho lemosa le ho ruta bannga ba mosebetsi le basebetsi ka ditokelo tsa bona le tseo ba lokelang ho di etsa. Hona ho lokela ho kenyeletsa pepeso ya kotsi e ka hlahelang bannga ba mosebetsi le basebetsi ka ho fetola basebetsi boradikontraka ba ikemetseng?
Ho ba le seabo ha bannga ba mosebetsi le basebetsi tshebetsong ya ho totobatsa boikemisetso ba bona.
Tshebediso ya boikemisetso mme ho ntse ho hlokometswe maemo a temo a kenyeletsang diphetoho le dintlafatso moo ho hlokehang.
Ho matlafatsa bohlahlobi mme ho hlile ho hodiswa dikamano tse ntle le tshebedisano pakeng tsa bohlahlobi le ba nang le seabo mapolasing.
Ho nkuwe dikgato tse thata kgahlano le ba sa ikamahanyeng le BCEA, haholoholo dintlha tse hlalositsweng malebana le ho sebediswa ha bana.
Ho lemosa setjhaba esita le batswadi mabapi le kotsi ya ho kenya bana mosebetsing.
Tshebediso ya melawana e laolang tshebediso ya bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le ba dilemong tse leshome le metso e robedi e le ho etsa bonnete ba hore ha ba sebetse mosebetsi o ka bang kotsi ho bona le ho nyopisa tswelopele ya bona.
Diqabang kapa dikgohlano tsa basebetsi mapolasing di lokela ho fokotswa ka ho hlokomela hore bohle ba amehang ba laola maemo ana hantle. Basebetsi le bannga ba mosebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore tseo ba di etsang ke tse molaong le tse amohelehang.
Mapolasing ohle ho lokela hore ho be le tsela e nepahetseng ya ho laola diqabang esita le ho ahlola dinyewe.
Bannga ba mosebetsi le basebetsi ba na le bolokolohi ba ho amana le mekgatlo e itseng. Hona ho bolela hore ho ingodisa mekgatlong ya kgwebo kapa mekgatlong eo bannga ba mesebetsi ba ikgethetseng yona.
Ho fumana mekgwa eo ka yona Mokgatlo wa Bonamoledi o ka thusang ho fedisa dikgohlano tse teng lefapheng la temo.
Boitsebelo ba basebetsi ba mapolasi bo lokela ho ntshetswa pele e le ho atlehisa tlhahiso le ho ba boemong ba ho ka amohelwa mosebetsi.
Basebetsi ba mapolasi ba lokela ho rupellwa esita le hona ho tshehetsa batho ba kwetlisang basebetsi.
Ho lokela ho nkuwe mehato e bonahalang bakeng sa mathata a bileng teng ka dinako tse fetileng e leng mathata a bakileng hore basebetsi ba mapolasi ba dule ba ntse ba sa fumana monyetla wa thuto. Hona ho kenyeletsa dithuto tsa batho ba baholo tsa ABET esita le ho etsa bonnete ba hore Lefapha la Thuto le a thusa ka lenaneo lena la thuto la thuto ya batho ba baholo la ABET.
Mosebetsi ona o lokela ho etellwa pele ke Bolaodi bo botjha ba Lefapha la Thuto le Thupelo bakeng sa merero ya Temo mme o be o tshetswe ke bannga ba mosebetsi le basebetsi ba mapolasi. Moralo ona wa lefapha o lokela ho ntshetswa pele le ho sebediswa.
Moo ho nang le dikolo tsa mapolasi, bannga ba mapolasi ba lokela ho kgothaletswa ho sebetsa hammoho le Lefapha la Thuto e le ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba mapolasi ba fumana thuto.
Maemo a tshebetso mapolasing a lokela ho kgotsofatsa mme e be a bolokehileng le a hlokomelang hore ho be le bophelo bo botle. Maemo ana a kenyeletsa boipaballo kgahlano le mafu a tshwaetsang a ka fumanwang hona mosebetsing esita le dikotsi.
Bannga ba mapolasi ba lokela ho hlahlobisa hantle hore ha ho na maemo a ka bakang dikotsi mapolasing a bona esita le ho loha maqheka a ho fokotsa mathata a jwalo esita le hona ho fumana mokgwa wa thibelo ya dikotsi tse jwalo.
Basebetsi ba lokela ho ba le hona ho sebedisa thuso ya pele esita le ho alashwa ka ho fuwa meriana.
Basebetsi ba lokela ho fuwa tokelo ya ho fumantshwa dihlapiso haeba ba tswile dikotsi mosebetsing kapa ba tshwaeditswe mosebetsing. Bakeng sa ho ntshetsa pele morero ona, basebetsi ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng le fanang ka Dihlapiso mme ba be ba lefelle thuso tseo ba di etseditsweng.
Ho hlokomela hore bannga ba mosebetsi ba abela basebetsi diaparo tse tshwanelang mosebetsi oo ba o etsang esita le disebediswa esita le hona ho ba le thuso ya pele.
Ho hlokomela hore ho be le taolo ya tjhefu ya dikokwanyana esita le tsela e bolokehileng ya ho sebedisa metjhini ya ho lema esita le disebediswa tse ding.
Ho hlahlojwa botjha ha melawana ena e ntseng e sebediswa e le ho etsa bonnete ba hore e nepahetse mme e tshwanela batho ba mapolasi.
Ho be le letsholo la ntshetsopele ya phadimehiso le thuto mabapi le kamoo ho ka hlokomelwang bophelo bo botle le bona boipaballo metseng ya mapolasi ka teng.
Ho ntshetsa pele mekgwa ya ho ntlafatsa menyetla ya basebetsi ba mapolasi esita le boramapolasi ya ho fumantshwa thuso Letloleng la Dihlapiso haeba ho na le kotsi e hlahileng mosebetsing kapa yona tshwaetso e bileng teng mosebetsing.
Basebetsi ba na le tokelo ya ho fumana menyetla ya inshorense haeba ba tswile mosebetsing. Bakeng sa ho kgona ho phetha sena bannga ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng la Inshorense bakeng sa batho ba sa sebetseng mmba be ba lefe diabo tsa bona le tsa basebeletsi ba bona.
Boramapolasi ba lokela ho leka ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba mapolasi ba na le menyetla ya tshebeletso ya dipenshene, mekgatlo ya phumantsho ya meriana esita le menyetla ya ho patwa ha bafu.
Boramapolasi bao basebetsi ba bona ba dulang hona polasing moo ba lokela ho hlokomela hore matlo a basebeletsi ba bona esita le tsamaiso ya metsi di maemong a kgotsofatsang.
Ho fumana ditsela tseo ka tsona boramapolasi ba ka thusang basebetsi ba mapolasi ka tsona ho ntshetsa pele maemo a bona setjhabeng esita le ho tataisa boramapolasi malebana le taba ena.
Ho sebedisana le Lefapha la Meaho esita le baemedi ba mmuso e le ho abela basebetsi ba mapolasi matlo esita le tsamaiso ya metsi e maemong a lokileng.
Tlhahiso e ka ntshetswa pele ke dintlha tse ngata tseo hara tsona re ka qollang boitsebelo bo phahameng, kgotsofalo mosebetsing, tshebediso e nepahetseng ya thekenoloji, jwalojwalo mme hona ke boikarabelo ba rapolasi le mosebeletsi wa hae.
Bannga ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho hlwaya dintlha tse ka bakang tswelopele ya tlhahiso sebakeng seo ho sebetswang ho sona.
E le ho ntshetsa pele taba ena, bannga ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho itllama ho ntshetsa pele tlhahiso, esita le boitshwaro bo botle mosebetsing, jwalojwalo.
Ho hlahlojwa ha basebetsi bakeng sa ho tseba hore na ba na le lefu la AIDS kapa tjhe ke ntho e sa dumellwang ho latela Molao wa Tekano ya Basebetsi.
Bannga ba mesebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba dulang polasing ba fumantshwa thuto le phadimehiso esita le fadimehisa batho ka tshebediso ya dikhondomo le hona ho kgothatsa ba kulang.
Ho thusa bannga ba mosebetsi ho fadimehisa basebeletsi ba bona ka mananeo a boipaballo.
Ho tsepamisa nako eo ka yona ho ka fanwang ka mananeo a boipaballo moo banna le basadi ba lokelang ho ka kenela mananeo ana. Ketsahalo ena e ka nna ya ba nakong ya dihora tsa tshebetso.
Ka nako eo ka yona basebeletsi ba fokotswang mosebetsing, ho lokela ho latelwa dintlha tse totobaditsweng Karolong ya 189 ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, mme haeba ho hlokeha, ho latelwe hape Moralo wa Setjhaba.
Bannga ba mapolasi ba thuswe haeba ho hlokeha jwalo.
Basebetsi ba naha ya rona ya Afrika Borwa le basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho tshwarwa ka tsela e tshwanang.
Basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho ngodiswa hantle ka tshwanelo e le ho ikamahanya le dintlha tsa molao wa batho ba fallelang naheng ya rona.
Ho sebetsa hammoho le Lefapha la Ditaba tsa Lehae esita le Lefapha la Mesebetsi e le ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba amohelwa feela ha ho se na batho ba ka phethang mosebetsi oo e le ba naha ya rona.
Ditsheneyehelo tsa tshebetso di lokela ho fokotswa e le ho ntshetsa pele tshebetso ya boramapolasi. Boramapolasi ba banyenyane ba angwa ke ditshenyehelo tse phahameng tsa tshebetso.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya ho fa bangga ba mesebetsi menyetla e mengata ya kgetho bakeng sa nako eo ka yona ho ka leshwang dinyehelo.
<fn>sot_Article_National Language Services_DITOKISO TSA KOMI (1).txt</fn>
mabaka a botho?
Leqepheng la 5, moleng wa 25, ho tehelwe thoko sebopeho sa treke mme se nkelwe sebaka ke moralo wa baahi?
Leqepheng la 5, ho tloha moleng wa 29, ho tehelwe thoko theepa ya motlakase o hodimo mme e nkelwe sebaka ke moralo wa treke ya motlakase?
Leqepheng la 5, moleng wa 49, ka morao jwalo ka ho kenngwe tse ka kenyeletsang tlolo ya molao?
Leqepheng la 6, moleng wa 5, ka morao ho maemo ho kenngwe mme ha e kenyeletse tshireletso?
Leqepheng la 6, moleng wa 30, ho tehelwe thoko molawana kapa?
Leqepheng la 6, moleng wa 38, ka morao e kapa efe?
Leqepheng la 6, ho tloha moleng wa 38, ho tehelwe thoko?
Leqepheng la 6, moleng wa 53, ho tehelwe thoko ntlafatso mme e nkelwe sebaka ke ntshetso pele ya ntlafatso?
Leqepheng la 7, moleng wa 33, ho tehelwe thoko ho kenyeleditswe mme e nkelwe sebaka ke ka ho ikgetha/qoholleha?
Leqepheng la 7, moleng wa 34, ka morao Basebetsi ho kenngwe le Lefapha la Naha la Polokeho le Tshireletso?
Leqepheng la 9, moleng wa 12, ho tehelwe thoko bokgoni bo iponahaditseng ba tsamaiso le hoba le?
Leqepheng la 12, moleng wa 30, ka morao ho Letona ho kenngwe nakong ya kgwedi ya kananelo ya metsotso?
Leqepheng la 12, moleng wa 40, ho tehelwe thoko the e nkelwe sebaka ke an?
Leqepheng la 12, moleng wa 41, ka morao ho mokgatlo ho kenngwe basebetsi ba itlhophisitseng/Mokgatlo wa basebetsi?
Leqepheng la 13, moleng wa 24, ho tehelwe thoko Pherekgong mme e nkelwe sebaka ke Mmesa?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 24, ho tehelwe thoko Tshitwe ya selemo mme e nkelwe sebaka ke Tlhakubele ya selemo se hlahlamang?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 25, Tshitwe selemong seo e nkelwe sebaka ke Tlhakubele?
Leqepheng la 13, moleng wa 48, ka morao ho ho itlama ho ho kenngwe efe kapa efe?
Leqepheng la 14, moleng wa 11, ho tehelwe thoko foromo e laeleditsweng e nkelwe sebaka ke sebopeho se tsepamisitsweng ke Bolaodi?
Leqepheng la 14, moleng wa 47, ho tehelwe thoko ho latela karolwana ya?
Leqepheng la 15, moleng wa 42, ho tehelwe thoko Letona mme hoo ho nkelwe sebaka ke lekgotla?
f taba efe kapa efe e amanang le polokeho eo Letona le e bonang e hlokeha.
Polelwana e hannwe.
b tlhakiso ya mokgwa wa taolo ya polokeho ya oporeitara, ho latela tshebetso ya ralewa e etseditsweng monyetla tlasa tumello ya polokeho.
Leqepheng la 17, moleng wa 15 ho tehelwe thoko hodima?
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 15, ho tehelwe thoko mantswe ohle a latelang tsebiso ho fihlela ho le ho kenyeletsa hlokehang?
Leqepheng la 17, moleng wa 21, ho tehelwe thoko e nepahetseng mme e nkelwe sebaka ke e sa nepahlang?
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 22, ho tehelwe thoko karolwana tsa le.
Lekgotla le ka nna la qhalanya lesedi lefe kapa lefe leo lekgotla le nkang e le le molemong wa setjhaba.
Leqepheng la 18, moleng wa 44 ho tehelwe thoko ho ka nna ha e nkelwe sebaka ke ho loketse?
Leqepheng la 19, moleng wa 24, pele ho tshireletso ho kenngwe ralewa?
Leqepheng la 19, moleng wa 30, ho tehelwe thoko bakeng sa qeto e nngwe?
Leqepheng la 19, moleng wa 30 ka morao ho mohlahlobi ho kenngwe ka qeto ya mohlanka ya ka sehlohong wa phethahatso?
Leqepheng la 19, moleng wa 43, ho tehelwe thoko ka morao ho mohlanka ho kenngwe ka qeto ya lekgotla?
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le karolo e nngwe le e nngwe ya Molao o molato ka tlolo ya molao.
o loketswe ke kahlolo ya tefiso kapa ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa tsona di le pedi eleng tefo le ho hlola tjhankaneng.
Leqepheng la 22 moleng wa 39, ho tehelwe thoko le mme e nkelwe sebaka ke kapa?
Leqepheng la 2, moleng wa 12, ka morao ho polokeho?
Leqepheng la 2 moleng wa 13, ho tehelwe thoko ba amehang le polokeho mme di nkelwe sebaka ke e nang le seabo se itseng?
Leqepheng la 2, moleng wa 22, ho tehelwe thoko ya bona mme e nkelwe sebaka ke ralewa?
Leqepheng la 2, moleng wa 24, ho tehelwe thoko polokeho ya ralewa mme e nkelwe sebaka ke tshebetso e bolokehileng ya ralewa?
Leqepheng la 2, moleng wa 25, ho tehelwe thoko ntlafatso mme e nkelwe sebaka ke ntshetso pele ya ntlafatso ya?
<fn>sot_Article_National Language Services_DITOKISO TSA KOMITI Y.txt</fn>
mabaka a botho?
Leqepheng la 5, moleng wa 25, ho tehelwe thoko sebopeho sa treke mme se nkelwe sebaka ke moralo wa baahi?
Leqepheng la 5, ho tloha moleng wa 29, ho tehelwe thoko thepa ya motlakase o hodimo mme e nkelwe sebaka ke moralo wa treke ya motlakase?
Leqepheng la 5, moleng wa 49, ka morao ha jwalo ka ho kenngwe tse ka kenyeletsang tlolo ya molao?
Leqepheng la 6, moleng wa 5, ka mora maemo ho kenngwe mme ha e kenyeletse tshireletso?
Leqepheng la 6, moleng wa 30, ho tehelwe thoko molawana kapa?
Leqepheng la 6, moleng wa 38, ka mora e kapa efe?
Leqepheng la 6, ho tloha moleng wa 38, ho tehelwe thoko?
Leqepheng la 6, moleng wa 53, ho tehelwe thoko ntlafatso mme e nkelwe sebaka ke ntshetsopele ya ntlafatso?
Leqepheng la 7, moleng wa 33, ho tehelwe thoko ho kenyeleditswe mme e nkelwe sebaka ke ka ho ikgetha/qoholleha?
Leqepheng la 7, moleng wa 34, ka mora Basebetsi ho kenngwe le Lefapha la Naha la Polokeho le Tshireletso?
Leqepheng la 9, moleng wa 12, ho tehelwe thoko bokgoni bo iponahaditseng ba tsamaiso le hoba le?
Leqepheng la 12, moleng wa 30, ka morao ho Letona ho kenngwe nakong ya kgwedi ya kananelo ya metsotso?
Leqepheng la 12, moleng wa 40, ho tehelwe thoko the e nkelwe sebaka ke an?
Leqepheng la 12, moleng wa 41, ka morao ho mokgatlo ho kenngwe basebetsi ba itlhophisitseng/Mokgatlo wa basebetsi?
Leqepheng la 13, moleng wa 24, ho tehelwe thoko Pherekgong mme e nkelwe sebaka ke Mmesa?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 24, ho tehelwe thoko Tshitwe ya selemo mme e nkelwe sebaka ke Tlhakubele ya selemo se hlahlamang?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 25, Tshitwe selemong seo e nkelwe sebaka ke Tlhakubele?
Leqepheng la 13, moleng wa 48, ka morao ho ho itlama ho ho kenngwe efe kapa efe?
Leqepheng la 14, moleng wa 11, ho tehelwe thoko foromo e laeleditsweng e nkelwe sebaka ke sebopeho se tsepamisitsweng ke Bolaodi?
Leqepheng la 14, moleng wa 47, ho tehelwe thoko ho latela karolwana ya?
Leqepheng la 15, moleng wa 42, ho tehelwe thoko Letona mme hoo ho nkelwe sebaka ke lekgotla?
f taba efe kapa efe e amanang le polokeho eo Letona le e bonang e hlokeha.
Polelwana e hannwe.
b tlhakiso ya mokgwa wa taolo ya polokeho ya oporeitara, ho latela tshebetso ya ralewa e etseditsweng monyetla tlasa tumello ya polokeho.
Leqepheng la 17, moleng wa 15 ho tehelwe thoko hodima?
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 15, ho tehelwe thoko mantswe ohle a latelang tsebiso ho fihlela ho, le ho kenyeletsa hlokehang?
Leqepheng la 17, moleng wa 21, ho tehelwe thoko e nepahetseng mme e nkelwe sebaka ke e sa nepahlang?
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 22, ho tehelwe thoko karolwana tsa le.
Lekgotla le ka nna la qhalanya lesedi lefe kapa lefe leo lekgotla le nkang e le le molemong wa setjhaba.
Leqepheng la 18, moleng wa 44 ho tehelwe thoko ho ka nna ha e nkelwe sebaka ke ho loketse?
Leqepheng la 19, moleng wa 24, pele ho tshireletso ho kenngwe ralewa?
Leqepheng la 19, moleng wa 30, ho tehelwe thoko bakeng sa qeto e nngwe?
Leqepheng la 19, moleng wa 30 ka morao ho mohlahlobi ho kenngwe ka qeto ya mohlanka ya ka sehlohong wa phethahatso?
Leqepheng la 19, moleng wa 43, ho tehelwe thoko ka morao ho mohlanka ho kenngwe ka qeto ya lekgotla?
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le karolo e nngwe le e nngwe ya Molao o molato ka tlolo ya molao.
o loketswe ke kahlolo ya tefiso kapa ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa tsona di le pedi eleng tefo le ho hlola tjhankaneng.
Leqepheng la 22 moleng wa 39, ho tehelwe thoko le mme e nkelwe sebaka ke kapa?
Leqepheng la 2, moleng wa 12, ka morao ho polokeho?
Leqepheng la 2 moleng wa 13, ho tehelwe thoko ba amehang le polokeho mme di nkelwe sebaka ke e nang le seabo se itseng?
Leqepheng la 2, moleng wa 22, ho tehelwe thoko ya bona mme e nkelwe sebaka ke ralewa?
Leqepheng la 2, moleng wa 24, ho tehelwe thoko polokeho ya ralewa mme e nkelwe sebaka ke tshebetso e bolokehileng ya ralewa?
Leqepheng la 2, moleng wa 25, ho tehelwe thoko ntlafatso mme e nkelwe sebaka ke ntshetsopele ya ntlafatso ya?
<fn>sot_Article_National Language Services_DITSHEBELETSO TSA TLH.txt</fn>
Lefapha la Bonono le Setho (LBS) le sebetsa ha mmoho le mmuso wa provense wa Kapa Bophirimela, Motsemoholo wa Cape Town o tla tshwara Ho Ketekwa ha Letsatsi la Lefa ka 23 le 24 Loetse 2006 Cape Town.
Letsatsi la Lefa ke letsatsi la phomolo la setjhaba leo ka lona setjhaba sa Afrikaborwa, ha mmoho le baetapele ba dipolotiki ba yona le bahlomphehi ba bang ba keteka lefa la Afrikaborwa. Mookotaba wa Kgwedi ya Lefa ya 2004 ho fihlela 2006 ke Ho Keteka Setso Sa Rona (Bophelo Boo Re Bo Phelang). Mookotaba o monyenyane wa Kgwedi ya Lefa ke Ho Keteka Mmino wa Rona, Lefa la Rona?
Mekete ya Letsatsi le kenyeletsa dikarolo tse kopanetsweng tse latelang.
Lenane la molao le kenyeletsang dipuo tsa bahlomphehi ba fapaneng. Tsena di ye di etellwe pele ke salutu ya setjhaba phareiting ka Mabotho a Tshireletso a Afrikaborwa le difofane tse fofang di feta ka hodimo tsa lebotho la Sepakapakeng la Afrikaborwa.
Mmino wa ditletle, mohlomong sebakeng se fapaneng moo mefuta e fapaneng ya mmino wa Afrikaborwa e tla ketekwa teng ka diketsahalo tse ka thoko dikalaneng. Diketsahalo (ka thapama kaofela ho fihlela mantsiboya) di tla bontsha mefuta e fapaneng ya mmino wa Afrikaborwa ho tloha ho wa bodumedi, wa dikhwaere, wa setjhaba, wa opera, wa Ditlelasiki tsa Yuropo, wa jeze ho ya ho wa kwaito, mbaqanga, marabi ho ya ho wa hipi hopo.
Motse wa phomosetso wa Bahlomphehi sebakeng seo moo ba nang le kabelo le bahwebi ba indaseteri ba tla bang le monyetla wa ho hloma dipontsho tsa mmino tse tsamaelanang le thepa le ditshebeletso tse jwalo ka diDVD le kgwebo e nngwe ya mmino. Ho tla ba le thuso hape ya mafapha a mmuso ho amohela le ho phomosetsa bamemuwa ba Bahlomphehi.
E tla ba taba ya bohlokwa hore batho ba thendarang, ba atlehileng, ba hlahlobe dibaka Cape Town pele ho qalwa ka ho thendara. Bathendari ba lokela ho ba teng hape le dikopanong tse Kopanentsweng tsa Moralo ho lokisetseng ketsahalo ena. Bathendari ba ka buisana le Mong Phakamani Mthembu founung ya 441 3033 kapa seleng ya 082 789 1455.
Mothendari a hlokomele hore ho be le dibotlolo tse 300 tsa metsi tenteng ya BH.
O thuse ka kalana e moriting ya mokgabiso wa naheng ya rona/mesebetsi ya matsoho le khanopi ya moriti hore ebe moo ho tla etswang puo teng. Kalana le khanopi ya moriti di tlamehile ebe tsa maemo a hodimodimo e be le tsa boemo ba Biro ya Boemo ya Afrikaborwa (SABS).
Kalana ya moriti le khanopi ya moriti di hlahlojwe le ho fumantshwa setifikeiti sa hore di lokile ka hohle ho ya ka ho hahuwa ha tsona le hore di bolokehile ho ya ka moenjenere ya loketseng le ya nang le bolaodi le diprofeshenale tsa polokeho.
Mophehisi a hlokomele hore ho fana ka setifikeiti jwalo ho etswa ka ho ngolla moemedi ya kgethilweng wa Lefapha la Bonono le Setho hona sebakeng seo pele ho 12 ka kgitla ka 22 Loetse 2006. Ho se tswelwe pele ka ho haha kapa ho tshwara mona ho tshwarwa mane ka mora 12 kgitla nakong ya hore ho be ho qetilwe.
Kalana le yona e tla sebedisetswa ho bua, ho phetha dipontsho le dibente.
Kalana e be le karolo e ka morao e bontshang mookotaba, mookotaba o monyenyane, Lepetjo la Dihlomo la la Setjhaba le letshwao la lefapaha.
Khanopi ya moriti e be kalaneng e phahameng , mme e be le ditulo tsa bamemuwa ba Batho ba Hlomphehileng Haholo ba 10 (podium group).
O thuse ka sefala sa ho behela ditaba (ho bua). Mosbeletsi o tla thusa ka lesela le letsho le nang le Letshwao la Puo le letshwao Lefapha la Bonono le Setho. Lesela e tla ba thepa ya Lefapha ka mora diketsahalo.
Thusa ka ditulo tsa polasetiki tse mabothobotho/ tse ikgethileng tsa bamemuwa ba Bahlomphehi ba hore ba dule ka tenteng.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng tse 600 tsa Bahlomphehi hore ba dule ho tsona ha ba ja dijo tsa motsheare.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng tse 50 tsa dihole le maqheku ka tenteng.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ tse ikgethileng le ditafole tse pedi tenteng e nngwe le e nngwe e bolokelang thepa ya dipapadi.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho/ikgethileng tse 20 tsa Bahlomphehi ba 20 khanoping e nngwe ya moriti.
Hlokomela hore ditulo di hlwekiseditswe ketsahalo.
Thusa ka ditafole tse leshome tsa kgutlonnetsepa ka masela a tafole le ditulo tsa polasetiki tsa dikgau, diphomosetso le mesebetsi e meng ya bohlokwa e fapaneng.
Thusa ka ditanka tsa metsi a nowang tse 2 x letsatsing la diketsahalo a tla nowa ke setjhaba. Ho be le motho ya tla disa sebaka seo a hlokomele hore tikoloho eo e dula e hlwekile.
Thusa ka tsamaiso ya PA ya boemo bo hodimo e tla thusa ho bua le batho sebakeng se bulehileng e le hore modumo o tle o fihlelle batho ba bongata ba 15 000.
Thusa ka tsamaiso e hokehang ya modumo ya boemo bo hodimo e hlakileng le mola o ka morao wa dipontsho. Ditlhoko tsa tekgeniki ya motho a le mong tsa dihlopha tse binang di tla bat eng ha ho se ho tla qalwa.
Thusa ka disekirini tse kgolo tsa motsheare tse pedi (3 x 5m) di behwe ka mahlakoreng a mabedi a kalana. Disekirini di tla ba le melaetsa e kenyeletsang tshebedisano le matshwao a Lefapha la Bonono le Setho le potefolio ya karolo ya lefa le phelang la lona, mmuso wa Kapa Bophirimela, Cape Town Metro, Moshito le basbedisani bohle ba bang ba tla Kenya letsoho ho ketekeng. Mothendari o tla kenyeletsa mokgabiso wa melaetsa ena e mekgutshwane.
Ho be le moifo wa tekgeniki o tla tsamaisa thekenology sebakeng seo le ho rarolla mathata tekgeniki a modumo le mabone.
Thusa ka jenereitara ya motlakase e nang le lerata le tlase ho thusa ka ditlhoko tsa motlakase ha motlakase o ka wa.
Thusa ka matlwana a dikhemikale a ka tsamaiswang a tlwaelehileng ho thusa setjhaba se tla ba teng. Matlwana a be teng dibakeng tse pedi ha mmoho. Thusa ka matlwana a dikhemikale a tsamaiswang a bile a hulwa ho tsamaisa dikgwerekgwere a Bahlomphehi ba 30 a boemo bo hodimo ho thusa Bahlomphehi ba menngweng. Matlwana a be teng dibakeng tse pedi ha mmoho.
Hlokomela hore matlwana a lekolwa kgafetsa hore a hlwekile ka letsatsi leo la diketsahalo.
Ditonka tsa dithwele tse 20 x di be teng sebakeng seo ka nako tsohle tsa diketsahalo.
Hlophisa tlhwekiso ya sebaka pele diketsahalo di phethwa.
Hlwekisa sebaka ka ho tlosa dithwele tsohle le disebediswa ka mora hore diketsahalo di phethwe.
Dibaka tsohle di sehelwe meedi hantle ho be le matshwao a nepahetseng.
Hlokomela hore dibaka tsa boemelo ba dikoloi di behwa ho ya ka batho le taolo Bahlomphehi, Dibese, basebeletsi, moifo, dipapadi, mapolesa, setjhaba, jj.
Thusa ka dithibela tsa taolo ya mokgopi e nepahetseng ho potoloha kalana le moo Bahlomphehi ba dutseng teng le dibaka tseo ho jellwang ho tsona dijo tsa motsheare.
Hlophisetsa khampane ya praevete ya tshireletso ho sireletsa sebaka sa ketsahalo ka matsatsi a mabedi pele ho ketsahalo, ka nako ya ketsahalo le letsatsi ka mora ketsahalo, mme ho bokellwe disebediswa tsohle tse siilweng bosiung bo fetileng sebakeng seo ha ho lokisetswa le ka mora ketsahalo.
Hlophisetsa dimashale tse apereng yunifomo ho thusa moo ho kenwang teng hore ba hlahlobe batho mmeleng ha ba kena ho batla dibetsa le dithethebatsi tse thibetsweng. Ho thusa hape Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrikaborwa (TSSAB) ka taolo ya mokgopi motsheare mabaleng.
Thusa ka motes wa Bahlomphehi wa phomolo, kgwebo le diinstitushene tse ding ho bapatsa thepa le ditshebeletso tsa mmino bosiu.
Thusa ka ditulo tse mabothobotho, ditafole le lesela la ho bapatsa sebaka le madulo a Bahlomphehi.
Thusa ka ho kgantsha ho kgabisa dipapatso le dibaka tseo ho dulwang ho tsona mahareng a disetolo tse fapaneng.
Sebaka sa ho emisa dikoloi se tshwauweng. Dihlopha tse latelang di lokela ho hlokomelwa: sebaka sa ho boloka dibese, Bahlomphehi (bamemuwa) sebaka sa ho emisa dikoloi sa Bahlomphehi (sehlopha sa sefala), sebaka sa ho emisa dikoloi sa bahlanka ba mmuso le baphatlalatsi ba ditaba.
Hokahanya mokete wa mmino, o nang le mefuta e fapaneng ya mmino e jwalo ka mmino wa tlelasiki, mmino wa dikhwaere, mmino wa setho, mmino wan aha, jeze, mmino wa bodumedi, kwaito, hipi hopo le mmino e meng.
Montshetsipele wa Mmino a thuse Lefapha la Bonono le Setho (LBS) ka phethiso ya moralo ya ho qetela ka kgwedi ka mora hore ba fumane mosebetsi. Hona ho ka tshohlwa le (ba)moemedi wa LBS ka ha LBS e lokela ho dumellwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo ka hona.
Thusa ka dijo tse nyenyane (light snacks) tsa batho ba 600 makhing wa pele nakong eo ho tshwerweng lenaneo la semmuso. Thusa ka dinomaphodi, metsi le lero la ditholwana le ka dibotlolong. Phomosetso ha e a lokela ho feta R50 motho ka mong.
Mothendari a thuse ka disebediswa tsohle tse hlokehang ho hlokomela hore dijonyana (snacks) a tsholwa ka boemo bo hodimo.
Mothendari o lokela ho hlokomela hore dijo tsohle di kenyeletsa le tsa bas a jeng nama.
Phomosetso e lokela ho lokisetswa batho ba 600. Sebaka sa moo ho tla jellwa teng ka bosona se hlaloswe haufi le nako ya diketsahalo ha di tla qala: le ha ho le jwalo, mothendari a itokisetse ho tsholela Bahlomphehi dijo tsa motsheare sebakeng sa diketsahlo kapa sebakeng se seng haufi le moo diketsahalo tsa semmuso di etsahallang teng.
Ka ha mookotaba wa diketsahalo e le ho keteka ditso tsa Afrikaborwa, mothendari o tla lebellwa hore a tshole dijo tsa motsheare tsa setso. Ho kgothaletswa hore ho kenyeletswe dijo tsa setso.
Mefuta e meraro ya lethathama la dijo ya maemo a fapaneng e se key a ba ka hodimo ho R250 motho ka mong.
Mothendari a thuse ka tshebeletso ya bara. Bara e be le veine e kgubedu le e tshweu (e se nang tswekere le e nang le tswekere), hwiski, boranti le disipiriti, metsi a ka dibotlolong, dinomaphodi, mefuta e fapaneng ya lero la ditholwana le biri. Lenane la bara (ka mefuta ya dino le theko ya botlolo e seng dithoto) e kenyeletswe ditokomaneng tsa thendara. Mothendari a lekanyetse tjhelete ya ho jowa ha dijo kaofela karolong ya Bahlomphehi e sa feteng R100.00 motho ka mong. Hohang feela ho se be le thekiso ya ho nka dijo di tsamaiswe.
Taolo ya bara e be boemong ba mokete ona le boemo ba bamemuwa makhing wa Bahlomphehi.
Hore ho tle ho bolokwe ditjeho, dijo le dino tse sa sebediswang nakong ya dijo tsa motsheare di ka bolokelwa phomosetso ya diketsahalo tsa bosiu moo ho hlokomelwang bamemuwa LBS.
ditafole tse 50 x (tse kgidikwe ebile di tsitse); le ditulo tsa mabothobotho tse 600 x (boemo bo hodimo ebile e se tsa polasetiki).
Mothendari o lokela ho thusa ka diweitara tse tla thusa ka dijo.
Mothendari a thuse ka dipalesa tse hlophisitsweng hantle le ka bokgabane tsa ditafole tsohle sebakeng seo. Mothendari a hlalose hore ke mofuta ofe wa dipalesa o tla hlophiswa o tla sebediswa hore o tssamaelane le mookotaba wa letsatsi/ ketsahalo.
Mothendari a thuse ka ho kgantsha makhi.
Mophomosetsi o lokela ho buisana le mookamedi wa sebaka hore a hlokomele hore dibaka tsohle tsa tshebetso e bobebe di a phethiswa. Ho be le mekgwa ya tlhokomelo ya tlokotsi hore ha motlakase o ka kgaoha kapa ha e ba le tlokotsi efe kapa efe e nngwe ho be le thuso.
Khene ya senomaphodi ya 340 ml kapa paente e le 1 ya lero la ditholwana sephuthelwaneng se seng le se seng.
Diphuthelwana tsa dijo di be ka mabokose a masweu a pholiesetere a kwalehang a tiile, mme ho kenyeletswe kgaba ya polasetiki le sarefete.
Diphuthelwana tsa dijo di ajwe mabaleng a setsing dimakhing tse hlwailweng ke bahlophisi jwalo ka ha ho kopilwe ntlheng ya 3.1.
Ditshwantsho tse hlakileng tse 2x tsa diphuthelwana tsa dijo tse ka bang teng, (di bulehile kapa di kwalehile) di kenyeletswe tokomaneng ya thendara.
Ho kgothaletswa hore dikhampane tsa lehae (Provense ya Kapa Bophirimela) di fumane konteraka ho tswa ho tse sebedisanang le lefapha ka molaodi wa diketsahalo ho thusa ka ditshebeletso tse itseng.
Sebedisana le bahlanka ba mmuso ba rometsweng ba LBS pele le ka letsatsi leo ka ho hokahanya mesebetsi yohle ya diketsahalo.
Sebedisana le bahlanka ba mmuso ba rometsweng pele le ka letsatsi leo ka ho hokahanya mesebetsi yohle dibakeng tse fapaneng.
Phomosetso jwalo ka ha e hlalositswe ho 3.
Mothendari a thuse ka inshorense ya boikarabelo ya setjhaba le ya disebediswa tsohle tse tlisitsweng sebakeng seo.
Mothendari o lokela ho boloka rekoto ya ditshenyehelo tsohle tsa ditjhelete, mme a hlokomele hore tshenyehelo e dula e le ka moo e balletsweng ka teng ka tekanyetso ya ditjhelete.
Ho tla lebellwa hore mothendari a thuse ka bopaki ba tshenyehelo ka setatemente sa tjhelete dibekeng tse pedi ka mora hore ho qetwe ka ketsahalo.
Mothendari o lokela ho ba le mawa le phethiso ya tsamaiso ya taolo eo ka yona ditefello di ka nnang tsa phethwa ka teng ka botlalo.
Mothendari o lokela ho hlokomela hore mokgwa wa ho sebedisa tjhelete ka ho e boloka ke taba ya bohlokwa ya ho lekola dithendara.
Ha mothendari a ka phumola ho tswela pele ka mosebetsi, mothendari o lokela ho kgutlisa tjhelete eo a lefe Lefapha ditefello kaofela ha tsona tse entsweng ke Lefapha.
Ho tswa ka maemo, ho tla qoswa.
Tokomane ya moralo wa Mosebetsi ka ditshupiso tse hlokehang.
Moralo wa sebaka o hlalosang sebaka le metheo ya sona le dibaka tsa moo ho tla sebeletswa teng dibakeng ka bobedi.
Moralo wa ho matlafatsa dikhamapani tsa lehae ka ho fuwa mosebetsi ke tse ding ho thusa ka ditshebeletso.
Mothendari o lokela ho hlokomela hore disitifikeiti tsohle tse hlokehang tsa boenjenere di teng ho hloma meaho ya nakwana le setifikeiti sa tumello mabapi le botsitso le polokeho ya meaho e qetilweng. Ditjeho tsa dihlahlobo le ho fana ka setifikeiti di kenyeletswe tekanyetsong ya tjhelete. Disetifikeiti tsohle di iswe hoMotlatsi wa Mookamedikakaretso wa Lefapha la Bonono le Setho: Lefa, Diakhaefe le Dilaeborari kapa moemedi wa hae ka 23 Loetse 2006 ka 12h00. Nako ena e sehetsweng moedi ha e na ho tlolwa.
Mothendari o lokela ho bat eng kopanong ya LBS bekng eo a filweng mosebetsi ka yona, mme o lokela ho bat eng le dikopanong tse ding tse leshome hape tsa ho rala ho feta moo tse tla tshwarelwa Lefapheng Pretoria, Cape Town le sebakeng sa diketsahalo.
Metheo yohle ya sebaka e lokela ho hlophiswa ka nako, mme e lokisetswe ka 12 motsheare, 23 Loetse 2006. Dipapadi di lokela hore ebe ba qala ho ikwetlisa le ho lekola medumo le disebediswa tse ding ka 13H00 ka 23 Loetse 2006.
Tsebo, tsebo ya mosebetsi ya nako e fetileng ya ho thusa ka katleho diketsahalong tsa mofuta ona.
Tsamaiso ya ditjehelete le rekoto ya ho ka arabela ka tsa ditjehelete.
Bohlaki le ho ka sebetseha ha tshisinyo le moralo wa sebaka.
Dijo tsa mameo tseo ho tla fanwa ka tsona.
<fn>sot_Article_National Language Services_Diboto tsa Tshebelets.txt</fn>
Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo le kenya molao oo kgetlo la pele o tlang ho dumella setjhaba le ba bang ba bohlokwa ba nang le seabo ba kang Lefapha la Toka le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ho ba le seo ba tshwaelang ka sona diqetong tsa parole. Diphofu tsa botlokotsebe le tsona di tla dumellwa ka pele ho fana ka maikutllo ho Diboto tsa Tsamaiso ya Tshokollo le Parole le hona ho kenela dikopano tsa Boto moo e leng hore ho na le tlolo tse mpe tsa molao.
Hobaneng ho hlokeha phetoho?
Mokgwa ona wa parole o ne o ntse o nyatsuwa haholo ho ikamahantswe ka monahano wa hore basebeletsi ba mmuso ba sitisa dikahlolo tsa ho kwallwa tjhankaneng tse fanweng ke makgotla a molao. Le ha mokgwa wa parole e le o amohelehileng lefatsheng ka bophara, o reretswe ho tsamaisa boitshwaro ba batshwaruwa ka ho ba putsa ka boitshwaro bo botle le tshebedisano le ho dumella nako ya phetoho tlasa taolo pakeng tsa botshwaruwa le mokgwa o tlwaelehileng wa bophelo setjhabeng, mokgwa wa tshebetso Afrika Borwa o ile wa qoswa ka ho se bonahale le hore o hloka boikemelo ho nkuweng ha diqeto.
Ke papisong le tshebedisong ya monyetla ho fetola molao ho latela ho thehwa ha demokrasi ka hara naha, hore Lefapha le ile la kenya molao o motjha ka 1998 o ileng wa dumella ho thehwa ha mokgwa o bonahalang le o se nang leeme wa parole ka ho kenyelletswa ha ba nang le seabo ba kantle ho Lefapha ho nkuweng ha diqeto. Maemo a sebetsang e le ka nnete le ha ho le jwalo a tshebetso ho kenngwa ha karolo ena ka ho qolleha (karolo 74) ya Molao wa Ditshebeletso tsa Tshokollo, Molao wa 111 wa 1998. Molao o ile wa fetolwa ka 2001 ho kenyelletsa tse fosahetseng mme sena se ile sa bula tsela ya ho kenngwa ha mokgwa wa tshebetso o shejuletsweng ho phethelwa karolong ya bobedi ya 2004.
Keng karolo ya Boto ya Tsamaiso ya Tshokollo le Parole?
Diboto tsa Tsamaiso ya Tshokollo le Parole di na le boikarabelo ba ho sebetsana le ditaba tse amanang le parole le ditaba tsa tsamaiso ya tshokollo empa ho tla fihla jwale di ne di se na matla a ho etsa diqeto mabapi le parole.
Diboto ha jwale di etsa dikgothalletso feela ho ya ka leano le teng la parole ka diqeto tse nkuwang ke batsamaisi ba kang dihlooho tsa ditsha tsa tshokollo, bakomeshenara ba sebaka, bakomeshenara ba lebatowa le Mokomeshenara le Letona la Ditshebeletso tsa Tshokollo, ho ikamahantse ka boholo ba ditlolo tsa molao le bolelele ba dikahlolo. Molao o motjha o fa Diboto matla a ho nka diqeto ntle le moo batshwaruwa ba hulang bophelo ba bona kaofela tjhankaneng le ba hlaloswang e le batshwaruwa ba kotsi, maemong a jwalo Diboto di etsa dikgothalletso lekgotleng la sethatho la molao le ileng la fana ka kahlolo ho ba amehang.
Keng se setjha?
Molao o motjha kgetlo la pele o fana ka matla a ho nka qeto ho Boto tsa Tsamaiso ya Tshokollo le Parole ntle feela le diqeto tse mabapi le ho fuwa parole ha batshwaruwa ba nkuwang e le ditlokotsebe tse kotsi ho latela karolo ya 286A ya Molao wa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao le phetolo tsa dikahlolo tsa ho kwallwa tjhankaneng tse entsweng ho latela Karolo ya 276 (A) ya Molao wa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao ho botsamaisi ba tshokollo. Maemong a jwalo dikgothalletso di a etswa makgotleng a amehang, ho bolelang makgotla a faneng ka dikahlolo sethathong, ho etsa qeto. Mokgelo o mong ke qeto ya ho fana ka letsatsi la parole kapa parole bathong ba hulang maphelo a bona ohle tjhankaneng. Maemong a jwalo dikgothalletso di lebiswa makgotleng a amehang ho etsa qeto.
Diboto, tseo ho tla bang le tse 52 naheng ka bophara, di tla ba le badulasetulo bao nakong e tlang ba tla tswa setjhabeng ba nkuwang e le ba loketseng le ba nang le bokgoni ba ho phetha boikarabelo ba bona, le ha e le hore kwetliso e kenelletseng mabapi le mekgwa ya tshebetso le maano e tla fanwa.
Ho eketsa moo, ditho tse ding tse pedi tsa setjhaba di tla thonngwa e le ditho tsa tlatsetso tsa Boto. Maemo a motlatsi wa modulasetulo le mongodi di behetswe ditho tsa basebetsi tse kwetlisitsweng tsa Lefapha la Ditshebeletso tsa Tshokollo. Ho eketsa moo, Boto e tla boela e kenyelletse moemedi wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le moemedi wa Lefapha la Toka. Boemedi bona le ha ho le jwalo bo ka boikgethelo hobane mafapha ana a ka etsa qeto hore a ka ba le boemedi kapa a se be le bona neng. Mabapi le ditlolo tse mpe tse qollehang tsa molao le ha ho le jwalo, moemedi wa Lefapha la Toka o tlamehile ho fana ka maikutlo Botong. Boto ka nngwe e tla thuswa ke bahlanka ba babedi ba tshokollo ba tlang ho etsa ditshebeletso tsa tshehetso ya botsamaisi.
Mohatong o mong wa bohlokwa ha ho kgaohanwa le ditlwaelo tsa mehleng le ka teko e etswang ho matlafatsa diphofu, diphofu tsa diketso tse qollehang tsa botlokotsebe jwale di na le tokelo ya ho fana ka maikutlo Botong le hona ho kenela dikopano tsa Boto, empa moo ho nang le ho mamelwa kgahlano le ba neng ba etsa diketso tsa botlokotsebe. Sena se nkuwa e le kgato ya bohlokwa tekong ya ho theha le ho phahamisa ho kgutliswa ha toka e le mokgwa o amohelehang le o sebetsang wa bokena dipakeng.
Ho bohlokwa ho hlokomela hore le ha diboto tse ntjha tsa parole di tla lekola dinyehelo ho latela dikarolo tsohle tsa batshwaruwa ba emetsweng ke tsona, ditlhoko tse ntjha ho latela bonnyane ba dinako tsa ho kwallwa tjhankaneng bo lokelang ho phethwa pele parole e ka lekolwa di tla sebetsa ho batshwaruwa ba ahlotsweng ka mora ho kenngwa ha Dikarolo tse loketseng tsa Molao. Sena se bolela hore bohle ba ahlotsweng pele ho kenngwa molao tshebetsong ho tla sebetsanwa le bona ho ya ka molao o teng (Molao wa 8 wa 1959). Ka mantswe a mang batshwaruwa ba ahlotsweng nakong e fetileng le pele ho kenngwa molao o motjha ha ba ya lokela ho tshoha hore molao o motjha o tla ba le kgahlamelo e mpe mabapi le bonnyane nako eo ba lokelang ho e qeta ba hula kahlolo pele parole e ka sekasekwa.
Dikahlolo tse tlasa taolo e matla: Halofo ya kahlolo ka pehelo ya hore batho ba hulang dikahlolo tse tlasa taolo e matla ya dilemo tse mashome a mahlano kapa ho feta, ba lokela ho lekolwa bakeng la parole ka mora hoba ba hutse dilemo tse mashome a mabedi le metso e mehlano.
Molao o motjha o boela o dumella ho thehwa ha Boto ya Tsamaiso ya Tshokollo le Tekolo ya Parole e tlang ho hlahloba maemo a fetiseditsweng ho yona ho ka lekolwa ke Mokomeshenara kapa Letona la Ditshebeletso tsa Tshokollo ebang e na le maikutlo a hore qeto ya sethathong ya Boto ya Tsamaiso ya Tshokollo le Parole e fetile peehelo tsa yona tsa leano la parole.
Boto ya Tekolo e tla ikemela ka hohlehohle mme e tla thehwa haholoholo ka ditho tsa Khansele ya Naha ya Ditshebeletso tsa Tshokollo, Molaodi kapa Motlatsi wa Molaodi wa Botjhotjhisi ba Setjhaba le baemedi ba babedi ho tswa Setjhabeng. Boto ya Tekolo e tla ba le modulasetulo eo e leng Moahlodi wa Lekgotla le Phahameng mme diqeto le mabaka a diqeto tsa yona a tla nkuwa e le leano le tlamang Diboto tsa Tsamaiso ya Tshokollo le Parole tsohle.
Ho bohlokwa haholo hore bohle ba tsebe ka diphetoho tse tliswang ke molao o motjha. Ho netefatsa sena, Lefapha le letsholong la tlhokomediso le reretsweng ho tsebisa batshwaruwa, bahlanka ba tshokollo le setjhaba ka seo molao o motjha o se bolelang.
Diphatlalatso tse reretsweng ho thaotha ditho tsa setjhaba ho sebetsa e le badulasetulo ba Diboto kapa ditho tsa tlatsetso tsa Diboto di tla etswa ho boraditaba. Lefapha le shebana le letshwao le kgethehang la motho ho ba le seabo dibotong tsena. Pele ba tla lokela ho ba ditho tse hlomphehang le ho tshepahala setjhabeng ba ka tsosolosang Diboto ho ba le tshepo. E lokela ho ba batho ba hodileng ba nang le boiphihlelo bo lekaneng bophelong ho emela kgahleho ya setjhaba le seriti le ho se be le leeme.
Badulasetulo ba tla lokela ho ba le thuto e loketseng le boiphihlelo maemong a tsamaiso. Ditho tsa boto tsa tlatsetso ha ho hlokehe hore e be di na le thuto jwalo ka badulasetulo hobane botshepehi le ponahalo e ntle ya bona setjhabeng e le tsona tseo e leng tsa bohlokwa ho feta. Ditlhoko tse ikgethang tsa ho thonngwa di tla hlahella diphatlalatsong tsa boraditaba.
Ditho tsohle tse thontsweng Botong di tla kenela kwetliso e kenelletseng mabapi le molao le leano le laolang diboto tsa tsamaiso ya tshokollo le parole. Batlatsi ba badulasetulo, bao e tla beng e le basebetsi ba kgale ba Ditshebeletso tsa Tshokollo, ba tla qala ba eba le boikarabelo ba bohlokwa ba ho netefatsa hore ho hloka tsebo ha ditho tse sa tswa thonngwa tsa boto ha ho lebise diqetong tse fosahetseng kapa dikgothalletso tse fosahetseng ho Boto.
Mokgwa tshebetso o se o le teng ho netefatsa hore Boto e tla ba le dibopeho tsa motheo tse hlokehang ho phetha boikarabelo ba yona. Tse ding tsa Diboto di tla ba sebakeng se itseng ha tse ding e tla ba tse potolohang di sebeletsa ditsha tsa tshokollo dikarolong tse fapaneng tsa setjhaba sebakeng se qollehang sa tsamaiso.
Molao o motjha o tla sebetsa neng?
Morero ke ho o kenya tshebetsong ka la 1 Phato 2004 empa qeto ya ho qetela e tla nkuwa hanghang Lefapha ha le kgotsofetse hore le loketse hape le ikemiseditse ho sebedisa dipehelo tsa molao. E tla ba karolong ya bobedi ya selemo sena jwang kapa jwang.
<fn>sot_Article_National Language Services_Dintla tsa ho ikopany.txt</fn>
Letshwao la bohlokwa ka ho fetisisa la PHOLISI YA THUSO YA LEPATO / POLISI YA SEHLOOHO ke hore pholisi e lokela ho NGODISWA ke khampani e rejistaruweng ya inshorense ya nako e telele. Sena ke ho netefatsa hore setho se na le tiisetso ya semolao ya ho ka tleleima ha e le hore ho hlokahala ya kentsweng inshorenseng.
MONGA PHOLISI / SETHO se lokela ho fuwa SETIFIKEITI SA BOTHO. Setifikeiti sena se lokela ho beha ka ho hlaka lebitso la underwriter (khampani ya inshorense); tjhelete e lefuwang; dibenefiti e lefuwang; mekgwa ya ho etsa tleleimi le tsebiso enngwe ya bohlokwa mabapi le pholisi ya sehlooho. Pholisi ya sehlooho e lokela ho hlalosa ka ho hlaka hore polokelo ya ditopo kapa diakgente tsa bona ha ba sebeletse underwriter kapa khampani ya inshorense le hore ka tsela e jwalo ha se tsona di-underwriter.
Ho bohlokwa hore beng ba dipholisi ba tsebe hore ba na le ho boikgethelo ba ho nka dibenefiti tsa pholisi ka tshebeletso ya lepato kapa ka tjhelete.
Setefikeiti se hlakisa tsebiso yohle e hlokehang ya Monga pholisi / Setho hore a tsebe hore inshorense e qala neng ho sebetsa; ho sireleditswe eng le hore tse sa KENYELLETSWANG ke dife; nako tse lokelang ho emelwa jj.
Se bolela tokomane ya semolao e ntshitsweng ke underwriter / khampani ya inshorense e nang le dintlha tse mabapi le dibenefiti, direiti, dipehelo le maemo mme e nang le nomoro ya pholisi, e lokelang ho hlahella setifikeiting sa botho.
Mokgatlo wa setswalle ke setsha sa ditjhelete se thehuweng ke sehlopha sa batho ba nang le ditlhoko tse ikgethang, ba ntshang tjhelete le ho e boloka mmoho ho thusana ka tjhelete bakeng sa ditlhoko tse qollehang mohl. lepato. Kuno ya molemo e fella ho R5 000. Mokgatlo wa Setswalle ha se kgwebo e etsang phaello, empa phaello e entsweng ho tswa sethong se beheletsang ka dinyehelo e a arolelanwa ke ditho kaofela.
O lokela ho batla hore o fuwe setifikeiti sena ho tiisa hore o setho. Setifikeiti sena se lokela ho o bontsha dintlha tsohle tsa pholisi ya hao.
Sena se mabapi le khampani e fuweng matla ke underwriter / khampani ya inshorense ho sebetsa boemong ba hae ho o rekisetsa pholisi.
Khampani ya inshorense ya nako e telele e rejistaruweng ho Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete e fumanang ditefo tsa hao le e nang le boikarabelo ba ho lefa dibenefiti moo ho hlahileng lefu teng.
Sena se bolela wena ya lefang ditefello tsa dibenefiti tsa batho bao o ba kgethileng jwalo ka setho jwalo ka setho.
Tjhelete eo o e lefang ho underwriter ho ya ka Pholisi ya Sehlooho.
Enwa ke moto ya ikemetseng eo wena jwalo ka setho o ka ikopanyang le yena ha e le hore ha o thabele karabo ya modisi. Dintlha tsa hae tsa ho ikopanya le yena di hlahella tsebiso ya semolao le leqepheng le kamorao la bukana ena.
Mongodis / khampani ya inshorense o tla lokodisa dipehelo kapa mahloko ka hara pholisi ao e bang a ka baka lefu la motho ya leng tlasa tshireletso, ao ho se nang se molemo o tlang ho lefuwa.
P: Ke underwriter ofe eo o mo emetseng?
K: Bopaki bo lokela ho fanwa ke motho ya rekisang pholisi le ho ba foromong ya kopo le setifikeiting sa botho se ntshuwang.
P: Nomoro ya Pholisi e reng?
K: Sena se lokela ho bonahala foromong ya kopo le Setifikeiting sa Botho.
K: Bana ke batho bao o ba kgethileng.
P: Ke lefa bokae?
K: Ena ke tjhelete eo o tlang ho e lefa mme e kenyelletsa difefiso tsohle le ditjhelete. Ditefiso tsena di lokela ho bontshwa ka ho hlaka.
P: Na ke lefa ka kgwedi, kotara kapa selemo?
K: O tla lokela ho botsa hore o lefe neng?
P: Na ke lefa pele kapa hamorao?
K: O tla lokela ho botsa hore o tla lefa maqalong a kgwedi kapa (pele) kapa mafelong a kgwedi kapa hamorao.
P: Ke lokela ho lefa jwang?
K: Kontane, ho hulwe akhaonteng kapa moputsong.
P: Ha ke lefa kontane na ke fumana rasiti?
K: E, e lokela ho ba rasiti e molaong.
P: Na ditefello tsee di ka nyoloha nakong e tlang?
K: Ditefello di ka nyoloha ha e le hore ho na le ditleleimi tse ngata tse tlasa pholisi.
P: Ditefello di tiiseleditswe nako e bolelele bo bokae?
K: Sena se lokela ho hlahella Pholising ya Sehlooho.
P: Inshorense ya ka e qala neng?
K: Ho ka nna ha ba le dinako tsa ho leta Pholising ya Sehlooho.
P: Dinako tsa ho leta keng?
K: Tsena di tla hlahella melawaneng le dipehelong tsa Pholisi ya Sehlooho.
P: Ho etsahala eng ha lefu le bakuwe ke kotsi?
K: Hangata nako tsa ho leta ha di sebetse.
P: Na ho na le tse sa kenyelletswang?
K: Tsena di tla hlahella melawaneng le dipehelong tsa Pholisi ya Sehlooho.
P: Ho etsahalang ha nka tlolwa ke ho lefa kapa ka tlohela ho lefa?
K: Ha o na ho ba tlasa inshorense mme ha o qalella ho lefa hape, nako a ho leta le tse sa kenyelletswang di ka boela tsa sebediswa.
P: Inshorense ya motho ka mong e fellwa neng?
K: Dintlha tse felletseng o lokela ho di fuwa, haholoholo mabapi le bana.
P: Na ke ba le tiisetso ya botho?
K: O lokela ho fumana Setifikeiti sa Botho le kakaretso e kenelletseng ya hore ho kentswe mang, tjhelete e lefuwang, dinako tsohle tsa ho leta le tse sa kenyelletswang.
P: Na hamorao nka eketsa inshorense ya ka?
K: E, o ka eketsa dibenefiti tsa pholisi ya hao ha Pholisi ya Sehlooho e dumella hoo, nako e nngwe le e nngwe; sena se tla boela se eketsa ditefo tsa hao. Tse sa kenyelletswang le dinako tsa ho leta di ka sebediswa molemong o ekeditsweng.
K: Mokgwa wa ho tleleima o lokela ho o tsebiswa ka botlalo melawaneng le dipehelong.
P: Na nka sheba Pholisi ya Sehlooho?
K: O na le tokelo ya ho bona Pholisi ya Sehlooho. Sena se etswa hangata ha o sa kgotsofala ke dikarabo tseo o di fuwang kapa o na le kgwao ka motho ya o rekisetsang pholisi. Pholisi ya Sehlooho e lokela ho ba teng kantorong ya ditshebeletso tsa ditlelaente e haufinyane.
P: Na nka tlohela pholisi?
K: O ka tlohela pholisi ya hao matsatsing a 30 o lefile tefo ya hao ya pele le ho fumantshwa tjhelete ya hao ka botlalo ha o sa ka wa tleleimela lefu. Kamora moo pholisi e ka tlohelwa nako e nngwe le e nngwe, empa ha ho na tjhelete e tlang ho kgutliswa.
K: Sena se ka etswa, empa o tla lokela ho tsebiswa le hore e tla ama batho ba neng ba kentswe ho yona pele jwang, mabapi le tsohle tse ka hodimo. O lokela ho fuwa setifikeiti se setjha sa botho ke Underwriter / Khampani ya inshorense e motjha. Ha o ikutlwa o se boemong bo tshwanang kapa bo betere ho ba pele, o lokela ho ikopanya le Underwriter / Khampani ya inshorense e motjha kapele ka moo o ka kgonang ka teng.
P: Ho etsahalang ha ke na le tletlebo kapa potso?
EH Dintlha tse mabapi le Ombudsman le FSB di lokela ho ba Setifikeiting sa Botho mme di boela di kamorao ho bukana ena ya tsebiso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Dintlha tsa bao o ka.txt</fn>
Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ka PHOLISI YA THUSO YA LEPATO / PHOLISI YA SEHLOOHO ke hore pholisi e lokela ho NGODISWA ke khampani e ngodisitsweng ya inshorense. Sena ke ho netefatsa hore setho se na le tiisetso ya semolao ya ho ka tleleima ha e le hore ho hlokahala ya kentsweng inshorenseng.
MONGA PHOLISI / SETHO se lokela ho fuwa SETIFIKEITI SA BOTHO. Setifikeiti sena se lokela ho beha ka ho hlaka lebitso la underwriter (khampani ya inshorense); tjhelete e lefuwang; dibenefiti tse lefuwang; mekgwa ya ho etsa tleleimi le tsebiso e nngwe ya bohlokwa mabapi le pholisi ya sehlooho. Pholisi ya sehlooho e lokela ho hlalosa ka ho hlaka hore dimotjhari kapa diakgente tsa bona ha di sebeletse underwriter kapa khampani ya inshorense mme ka hoo ha se tsona di-underwriter.
Ho bohlokwa hore beng ba dipholisi ba tsebe hore ba na le boikgethelo ba ho nka dibenefiti tsa pholisi ka mokgwa wa tshebeletso ya lepato kapa ka tjhelete.
Setefikeiti se lokela ho hlakisa dintlha tsohle tse hlokehang tsa Monga pholisi / Setho hore se tsebe hore inshorense e qala neng ho sebetsa; ke eng e sireleditsweng le hore ke dife tse sa KENYELLETSWANG; nako ya ho leta, jj.
Ho bolelwa tokomane ya semolao e ntshitsweng ke underwriter / khampani ya inshorense e nang le dintlha tse mabapi le dibenefiti, ditekanyo, dipehelo le maemo mme e nang le nomoro ya pholisi, e lokelang ho hlahella setifikeiting botho.
Mokgatlo wa Setswalle ke institjhushene ya ditjhelete e thehuweng ke sehlopha sa batho ba nang le ditlhoko tse ikgethang, ba ntshang tjhelete le ho e boloka mmoho hore ba thusane ka ditjhelete bakeng sa ditlhoko tse ikgethang, mohl. lepato. Boholo ba benefiti ke R5 000.
Mokgatlo wa Setswalle ha se kgwebo e etsang phaello, empa phaello e entsweng ho tswa tjheleteng e tsetetsweng ya ditho e arolelanwa ke ditho kaofela.
O lokela ho pheella ho fuwa setifikeiti sena ho tiisa hore o setho. Setifikeiti sena se lokela ho o bontsha dintlha tsohle tsa pholisi ya hao.
Mona ho buuwa ka khampani e fuweng matla ke underwriter / khampani ya inshorense ho sebetsa boemong ba yona ho o rekisetsa pholisi.
Khampani ya inshorense e ngodisitsweng ho Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete e fumanang ditefo tsa hao le e nang le boikarabelo ba ho lefa dibenefiti moo ho hlahileng lefu teng.
Mona ho buuwa ka wena ya lefang ditefello bakeng sa dibenefiti tsa batho ba kgethuweng ke wena pholising.
Tjhelete eo o e lefang ho underwriter ho ya ka Pholisi ya Sehlooho.
Enwa ke motho ya ikemetseng eo wena jwalo ka setho o ka iteanyang le yena ha o sa kgotsofala ka karabo ya underwriter. Dintlha tsa moo o ka iteanyang le yena di hlahella leqepheng le ka morao la bukana ena.
Underwriter / khampani ya inshorense e tla bolela dipehelo kapa mafu ka hara pholisi, ao e tla reng ha motho ya sireleditsweng a ka hlokahala ka baka la ona, ho ke keng ha le dibenefiti tse leshwang.
P: Ke underwriter kapa khampani efe ya inshorense efe eo o e emetseng?
K: Bopaki bo lokela ho tswa ho motho ya rekisang pholisi mme bo be foromong ya kopo le setifikeiting sa botho seo ho fanwang ka sona.
P: Na Nomoro ya Pholisi ke eng?
K: Yona e lokela ho bonahala foromong ya kopo le Setifikeiting sa Botho.
P: Na nka kenya mang pholising?
K: Bao ke batho bao o ba kgethileng.
P: Na e lefa bokae?
K: Ena ke tjhelete eo o tlang ho e lefa mme e kenyelletsa ditefiso le ditefello tsohle. Ditefiso tsena di lokela ho bontshwa ka ho hlaka.
P: Na ke lefa ka kgwedi, kotara kapa selemo?
K: O tla lokela ho botsa hore o lefe neng?
P: Na ke lefa pele kapa hamorao?
K: O tla lokela ho botsa hore o tla lefa maqalong a kgwedi kapa (pele) kapa mafelong a kgwedi kapa hamorao.
P: Na ke lokela ho lefa jwang?
P: Ha ke lefa kontane na ke fumana rasiti?
K: E, o lokela ho nehwa rasiti e molaong.
P: Na ditefello tsena di ka nyoloha nakong e tlang?
K: Ditefello di ka nyoloha ha e le hore ho etswa ditleleimi tse ngata tlasa pholisi.
P: Na ditefello di tiiseleditswe nako ya bolelele bo bokae?
K: Sena se lokela ho hlahella Pholising ya Sehlooho.
P: Na tshireletso ya ka e qala neng?
K: Ho ka nna ha ba le dinako tsa ho leta Pholising ya Sehlooho.
P: Na dinako tsa ho leta di bolelang?
K: Tsona di tla hlahella melawaneng le dipehelong tsa Pholisi ya Sehlooho.
P: Na ho etsahala eng ha motho a hlokahetse ka baka la kotsi?
K: Hangata nako tsa ho leta ha di sebetse moo.
P: Na ho na le dintho tse sa kenyeletswang?
K: Tsona di tla hlahella melawaneng le dipehelong tsa Pholisi ya Sehlooho.
P: Na ho etsahalang ha nka tlolwa ke ho lefa kapa ka emisa ho lefa?
K: O ke ke wa ba tlasa tshireletso ya inshorense mme ha o qalella ho lefa hape, nako ya ho leta mmoho le dintho tse ding tse sa kenyeletswang di ka boela di sebediswa.
P: Na inshorense ya motho ka mong e fela neng?
P: Na ke tla fumana bopaki ba ho ba setho?
K: O lokela ho fumana Setifikeiti sa Botho le kakaretso e felletseng ya hore ke mang ya sireleditsweng, palo ya tjhelete e lefuwang, dinako tsohle tsa ho leta mmoho le dintho tse sa kenyeletswang.
P: Na nka eketsa inshorense ya ka ha morao?
K: E, o ka eketsa dibenefiti tsa pholisi ya hao ha Pholisi ya Sehlooho e dumella hoo, mme hoo o ka ho etsa nakong efe kapa efe; hoo hape ho tla eketsa ditefello tsa hao. Dintho tse sa kenyeletswang mmoho le dinako tsa ho leta di ka boela di sebediswa benefiting e ekeditsweng.
K: O lokela ho bolelwa ka ho botlalo ka mokgwa wa ho tleleima o leng melawaneng ya tshebetso le dipehelong.
P: Na nka bona Pholisi ya Sehlooho?
K: O na le tokelo ya ho bona Pholisi ya Sehlooho. Sena se etswa hangata ha o sa kgotsofala ke dikarabo tseo o di fuwang kapa o na le pelaelo ka motho ya o rekisetsang pholisi. Pholisi ya Sehlooho e lokela ho ba teng ofising e haufi le wena ya ditshebeletso tsa ditlelaente.
K: O ka hlakola pholisi ya hao matsatsing a 30 o lefile tefello ya hao ya pele e be o fumantshwa tjhelete ya hao ka botlalo ha o sa ka wa kenya tleleime ya lepato. Ka mora moo pholisi e ka hlakolwa nakong efe kapa efe, empa ditefello di ke ke tsa kgutliswa.
K: Hona ho ka etswa, empa o tla lokela ho tsebiswa hore hona ho tla ama jwang batho ba neng ba sireleditswe mabapi le tsohle tse ka hodimo. O lokelwa ho fuwa setifikeiti se setjha sa botho ke Underwriter / Khampani ya inshorense e ntjha. Ha o ikutlwa o se boemong bo lekanang kapa bo betere ho ba pele, o lokela ho iteanya le Underwriter / Khampani ya inshorense e ntseng e le teng ka potlako ka moo o ka kgonang.
P: Na ho etsahalang ha ke na le tletlebo kapa potso?
K: Wena kapa bajalefa ba hao le tshwanela ho lebisa dipotso tsa lona ho Underwriter / Khampani ya Inshorense. Ha o sa kgotsofala, o ka tlaleha tletlebo ho Ombudsman ya Inshorense ya Nako e Telele kapa Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete Financial Services Board FSB.
ELA HLOKO: Dintlha tse mabapi le Ombudsman le FSB di lokela ho ba Setifikeiting sa Botho mme hape di fumaneha le ka morao bukaneng ena e fanang ka lesedi.
<fn>sot_Article_National Language Services_Ditataiso mabapi le h.txt</fn>
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi ....
Pale ya batho, tlhaho, ho phonyoha le tshepo bakeng sa bokamoso..
Mabapi le ditataiso tsena..
Karolo 2 Metheo e meholo e supileng le ditataiso ...
Karolo 3 Diphephetso ...
Karolo 5 Ditataiso tse leshome le motso o le mong bakeng sa metse ...
Karolo 6 Ditataiso tse sebetsang tse leshome le motso o le mong bakeng ditsebi tsa tshebediso ya CBNRM ...
Karolo 7 Ditataiso tse leshome le metso e meraro bakeng baetsi ba dipholisi ...
Lethathamo la mabitso le dinomoro tsa difounu..
Ho haola le naha-haholo-holo dibakeng tsa mahaeng le ka ntle ho metse e meholo e jwaloka Johannesburg le Durban le Polokwane-batho ba dimilione ba rema dimela tse hlaha le ho bokella diphoofolo mme, ba ba ntse ba etsa jwalo, ba sebetsa ka thata ho fumana ditsela tsa ho sireletsa tlhaho e le hore meloko ya ka moso e ka una melemo e mengata. Batho bana ba kenyelletswa lenaneong le bitswang Community Based Natural Resource Management - CBNRM - (Botsamaisi ba Mehlodi ya Tlhaho bo Thehilweng Metseng).
Mosebetsi wa bona o na le tshwaetso ya bohlokwa polokong ya mefuta ya dintho, botsamaisi bo tsitsitseng, ho ntlafatswa ha boleng ba bophelo ba batho, ho fokola ditekanyo tsa bofuma le ho sireletsa bophelo ba dintho tsa mefuta e fapaneng. Ho pota lefatsheng, batho ba dimilione jwale ba elellwa kamoo ho leng bohlokwa ka teng ho fihlella dintho tsena ka hobane Lefatshe le dintho tsohle tse phelang ho lona le ho hola hodimo la lona di tadimane le tshokelo e kgolo ka ho fetisisa haesale ho tloha dilemong tse ngata-ngata tse fetileng ha ho ne ho timetswa ka ho feletseng diphoofolo tsa ditonanahadi tsa didaenasose.
Bukana ena e tshetse dikeletso le ditlhahiso tse itseng, ditataiso, bakeng sa baahi ba Afrika Borwa-batsamaisi ba mmuso, batsamaisi ba Mekgatlo eo e seng ya mmuso (NGO) le batho ka kakaretso-ba lakatsang ho etsa hore CBNRM le sebetse ka katleho.
Letsatsi le leng le le leng, ho iphaphatha le lebopo la Afrika Borwa, sehlopha sa basadi se theohela lewatleng ho bokella dihlapi tse bitswang dimasele le ditlhapa tsa kgaketla ka ho di tlosa majweng. Ba tshwanetse ho etsa sena ho fepa bana ba bona. Merung o utlwa modumo wa ho rojwa ha makala a difate ha basadi ba rema difate tsena e le hore ba etse mafielo ao ba tla a rekisa mebileng ya toropo e haufi le moo ba dulang teng. Ha ba ntse ba etsa jwalo, banna ba bona ba akgetse matlowa metsing a noka e phallang ho haola le motsana wa bona. Banna bana ba siya lapeng dihlapi tse ding tse ba di tswasitseng le ho aneha tse ding hodima mollo hore di ome le ho kenwa ke mosi pele ba tloha ho ya toropong e tshwanang ho di rekisa.
Haufinyana le moo, ho kenella naheng ho tloha lebopong la lewatle le methipolohong ya dithaba tse okametseng motsana ona wa bona, bashanyana ba fodisa mehlape ya dikgomo tsa bo-ntate ba bona.
Ka matsatsi a mang, ba feta ngaka ya Mosotho motsaneng wa bona e tshwarehile e bokella metso, ditlama le makgapetla a difate hore e etse ditlhare. Ka letsatsi le leng bashanyana ba feta dihlopha tsa banna ba tshwereng dithunya disaga tse sebetsang ka motjhini. Dihlopha tsena di tlile ho seha difate tsena tsa kgale tsa nkang nako e telele hore di hole e le hore ba rekise difate tsena fekthering ya lehong e haufi le toropo ya bona. Ha banna bana ba ntse ba kgaola difate tjena, ba ntse ba hlahlile mahlo ho sheba diphoofolo tse jwaloka matsa le ditshephe le diphoofolo tse ding tse phelang morung ona. Ba bolaya diphoofolo tsena le ho besa mollo bakeng sa dijo tsa bona tsa motshehare. Nama e setseng ba ya lapeng ka yona bakeng sa malapa a bona.
Ha badisana bana ba ya lapeng, ba feta sebakeng seo ho lenngweng difate ho sona haufi le motsana wa bona. Difate tse hlaha tse neng di potolohile matlo a bona di ile tsa rengwa kgale ho haha matlo a bona kapa bakeng sa patsi y a ho pheha dijo tsa bona. Hona jwale ho na le sebaka seo ho lengwang difate ho sona haufi le motsana ona, sebaka seo batsamaisi ba mmuso ba lefapha la meru ba kgothalletsang batho ho lema difate hape e le hore ba ka sebedisa difate tsena ho e na le ho rema meru ya tlhaho bakeng sa ditlhoko tsa bona.
Dikilomithara tse mashome a mabedi ho nyolosa le mmila, mmuso o entse sebaka sa poloko ya dintho tsa tlhaho (nature reserve). Dilemo tse mmalwa tse fetileng ba ile ba fihla mona le ho emisa terata ho potoloha sebaka sena le ho hloma ditente tse ntle le ho haha letangwana la ho sesetsa. Ba ile ba reka dithuhlo tse mmalwa le diqhwaha le dipudumo ho etsa hore sebaka sena e be se hapang mahlo a bahahlaudi. Bahlankana ba bang motsaneng ona ba kwetlisitswe jwaloka bahlokomedi le basireletsi ba diphoofolo tsena ho di sireletsa bahlankaneng ba kgukgunelang tlasa terata mme ba beha maraba a ho tshwara diphoofolo tsena. Basadi ba mmalwa ba fumane mosebetsi wa ho fepa kapa ho hlwekisa matlo a bahahlaudi.
O tla fumana dibaka tsa mofuta ona ho haola le naha ya Afrika Borwa, dibaka tseo, ka ditsela tse itseng, baahi ba moo ba itshetlehileng ka mobu, dinoka, matamo, lewatle-le dintho tse hlaha tse phelang moo le tse holang moo-e le hore ba fepe malapa a bona le ho phela. Dibakeng tse ngata, haholo-holo moo ho nang le leqeme la mesebetsi, ho rema le ho sebedisa mehlodi ya tlhaho ho bohlokwa haholo bakeng sa bophelo ba baahi ba dibaka tsena tseo ho leng thata ho fihlella difeme tse hlophisitsweng tsa moruo. Ho batho bana tlhaho e bohlokwa ho feta merafo, kapa difektheri kapa mapolase a maholo a temo mabapi le ho lwantsha bofuma.
Ka dinako tse ding baahi ba sireletsa dintho tse holang sebakeng sa bona e le hore bana ba bona ba ka di sebedisa nakong e tlang. Empa ka lebaka la kgatello e tswelang pele ya bofuma batho ba qobelleha ho rema le ho sebedisa haholo ka ho fetisisa mehlodi ya bona ya tlhaho, mme sena se etsa hore mefuta ya dimela, dihlapi, difate, diphoofolo le dintho tse ding tse phelang di fokotseha haholo kapa esita le ho nyamela ka ho feletseng.
Mekgatlo ya mmuso, di-NGO le mafapha a praevete a qadile diprojeke-jwaloka ho lema difate, dibaka tsa ho sireletsa diphoofolo tse tlhaha, mananeo a ka "tshehetswang" a ho tshwasa dihlapi le a mang a mangata-ho leka ho sireletsa mefuta ya dintho tsena ha ka nako e tshwanang ho hlokomelwa hore batho bana ba tshwanetse ho kgona ho di sebedisa.
Mona ke hona moo ditataiso tsena di sebetsang teng...
Pale ena eo o sa tswa e bala e bontsha kamoo mehlodi ya tlhaho e leng bohlokwa ka teng ho batho ba leng Afrika Borwa, e seng feela jwaloka tsela ya ho iphedisa, empa jwaloka motheo wa bophelo ba rona ba setso le ba moya, ena ke mehlodi eo baholo-holo ba rona ba e fetiseditseng ho rona mme le rona, ka ho tshwanang, re tshwanetse ho kgona ho e fetisetsa baneng ba rona.
Maqepheng a latelang a bukana ena o tla fumana lesedi la bohlokwa mabapi le kamoo metse, mmuso, mekgatlo ya ntshetsopele, batshehetsi ba fanang ka tjhelete le ba bang ba ka sebetsang ba tshwarane ka matsoho ho tiisa hore lefa la rona la tlhaho le bolokelwa meloko ya ka moso.
Hape o ka bala kamoo metse e ka fihlellang mehlodi ena ya tlhaho eo e itshetlehileng ka yona, ntle ho ho sebedisa mehlodi ena ho fihlela e fela. Kamoo ba ka sebedisang mehlodi ena ka bohlale mererong ya moruo, setso, bomoya le boikgathollo-ho fokotsa bofuma le ho bopa bophelo bo molemo. Sena ke sona seo CBNRM e leng ka sona.
Lenaneo lena la Community Based Natural Resource Management (CBNRM) le se le etsahala mona Afrika Borwa. Mekgatlo ya leha, mafapha a lehae, a diprofensi le a mmuso a naha, mekgatlo eo e seng ya mmuso (NGO) le makgotla a mang a amehang ntshetsopeleng, batshehetsi ba fanang ka tjhelete le mafapha a praevete ba a ameha, ka ditsela tse itseng, ho kenya tshebetsong mananeo ana a CBNRM. Empa ha se motho e mong le e mong ya elellwang hore o etsa CBNRM, mme ha se motho e mong le e mong ya utlwisisang hore na karolo ya hae ke efeng ho CBNRM.
Ke ka lebaka lena ho entsweng ditataiso tsena. E le hore basebetsi-mmoho mananeong ana a CBNRM ba arolelana kutlwisiso e tshwanang mabapi le hore na lenaneo la CBNRM le bolela eng, hore na ditlhokahalo tsa tsebo le tsamaiso ke dife, le hore na dikarolo tse sa tshwaneng le boikarabelo ka bofeng. Ho tshepjwa hore ka utlwisiso ena e arolelanwang, mathata mabapi le CBNRM a tla lokiswa, le ho fihlella katleho e kgolo.
Dikarolo le boikarabelo ba banka-karolo bohle ba CBNRM.
Lefapha la praevete.
Ho eketseha menyetla ya ho atleha ha diprojeke tsa CBNRM.
Ditataiso tsena di etseditswe bo-mang?
Tlhokomelo ya metsi.
Lefapha la praevete.
Ditataiso tsena di tla thusa e mong le e mong ya amehang mananeong a CBNRM, empa ka ho kgethehileng batho ba sebetsang le batho-metse, bahlophisi, ditsebi (practitioners), le baetsi ba dipholisi.
O ka sebedisa ditataiso tsena mohatong o mong le e omong wa lenaneo la CBNRM. Di tla thusa ka ho kgethehileng mehatong e qalang ya ho rera, empa hape di tla thusa nakong ya ho beha lenane la hao leihlo le ho le hlahloba. Ditataiso tsena di tla o thusa ho lemoha mathata ha a hlaha, le ho nahana ditsela tsa ho lokisa mathata ana.
Bakeng sa tataiso e nngwe le e nngwe e leng bukeng ena, o ipotse: "Na re akarelleditse sena lenaneong la rona" Haeba karabo potsong eo e le "TjHE", ipotseng haeba ho hlokahala hore le akarelletse seo lenaneong la lona, le hore le ka etsa seo hamolemo jwang?
KAROLO 1 e mabapi le ho utlwisisa CBNRM-Hore na ke eng, ke bo-mang ba amehang, ke eng seo e mong le e mong a lokelang ho se etsa, le hore ke melemo efeng e tla unwa. Sepheo sa karolo ena ke ho neha e mong le e mong kutlwisiso e arolelanwang mabapi le CBNRM.
KAROLO 2 e fana ka Melao e supileng ya sehlooho bakeng sa katleho ya CBNRM. Melao ena ke ditene tsa bohlokwa tse hahang katleho ya lenaneo la CBNRM. Molao ka mong o na le sehlopha sa ditataiso. Motho e mong le e mong ya amehang lenaneong lena o tshwanetse ho utlwisisa melao ena.
KAROLO 3 e fana ka diphephetso tse kgolo tse shebaneng le mananeo a CBNRM.
KAROLO 4 e fana ka Ditataiso tse leshome bakeng sa e mong le e mong. Motho e mong le e mong ya amehang mananeong a CBNRM o tla thuswa haholo ke ditataiso tsena.
KAROLO 5 e fana ka Ditataiso tse Leshome le Motso o le mong bakeng sa Metse. Ditataiso tsena di reretswe ditho tsa motse o amehang lenaneong la CBNRM. Empa di tla thusa motho e mong le e mong ka ho tshwanang.
KAROLO 7 e fana ka Ditataiso tse Leshome le Metso e Meraro tse Sebetsang bakeng sa Baetsi ba Dipholisi.
Ditataiso tsena di buella ho sebedisa katamelo ya 'botsamaisi bo fetolwang'. Sena se bolela ho beha dipheo le dipakane tse hlakileng ha le rera diprojeke. Mme ka hloko le behe diprojeke tsena leihlo le ho di hlahloba mohatong o mong le o mong wa projeke, ho hlahloba ho bona hore na ebe le fihlella dipakane le dipheo tsa lona. Haeba le sa di fihlelle, le etsa diphetoho mona le mane le ho etsa ditokiso morerong wa lona ho tiisa hore ha le salle morao. Le ithuta le ntse le tswela pele, le etsa dintlafatso nako le nako ha le bona hore di a hlokahala.
Mohatong o qalang wa lenaneo lena le beha dipakane tse hlakileng tsa projeke ya lona-seo le batlang ho se fihlella.
Na lenaneo la rona le akarelletsa ntho e nngwe le e nngwe e hlokahalang hore projeke ena e atlehe?
Mohatong wa ho kenya projeke tshebetsong, ka hloko le beha leihlo tswelopele eo le e etsang.
Re ka fetola jwang projeke ya rona e le hore re tiise hore re fihlella dipakane tsa rona?
Re ka etsa eng ho lokisa bothata bona?
Ka tsela ena, le fetola projeke ya lona ha le ntse le tswela pele, le ho tiisa hore e sebetsa ho ya kamoo le neng le rerile ka teng.
CBNRM e mabapi le batho ba motse o itseng ba sebetse hammoho ho sireletsa mobu, metsi, diphoofolo le dimela, e le hore ba ka sebedisa mehlodi ena ho ntlafatsa bophelo ba bona le bophelo ba bana ba bona le ba ditloholo tsa bona. Ke kofuto e nolofalletsang setho se ratang motseng hore se be le seabo mabapi le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba baho-moruong, setsong le moyeng.
CBNRM ke tsela eo ka yona metse e ka sebetsang hammoho ho sireletsa mehlodi ya tlhaho mme ka nako e tshwanang ho hlahiswa melemo e dulang nako e telele bakeng sa metse eo. CBNRM e atlehileng e ka hlahisa melemo e mengata e sa tshwaneng.
e le hore ba una melemo dinthong tsena ka tsela e tlang ho tiisa hore bana ba bona ba tla kgona ho thabela le ho sebedisa mehlodi ena nakong e tlang.
E Thehilwe Metseng: Batho ba sebaka seo (ba motse) ba bokana hammoho le ho etsa qeto hore na ke jwang ba ka sireletsang le ho sebedisa hamolemo mehlodi ya tlhaho tse leng mobung wa motse wa bona. Ditho tse ngata tsa motse di ka ba le seabo le ho arolelana ditholwana tse kgolwang. Ka ho sebedisa boiphihlelo ba sebakeng sa bona, batho bana ba qala diprojeke tsa ho hlokomela mobu, metsi, dimela le diphoofolo. Hammoho, ba etsa qeto mabapi le hore na ke jwang ba ka sebedisang dintho tsena ho untsha motse molemo, hona jwale le nakong e tlang. Ntho ya bohlokwa mabapi le CBNRM ke hore e nolofalletsa ditho tsa motse ho ba le seabo ho etseng diqeto tsa bohlokwa. Hape e bontsha kamoo ho ka sebediswang diqeto tsena le diprojeke le ho kopa ditshebeletso tsa ditsebi le ho kopa ditharollo moo ba di hlokang.
Mehlodi ya Tlhaho: Mehlodi ya tlhaho ke naha, mobu, metsi, moya, dimela le diphoofolo. Dintho tsena ke letlotlo la tlhaho la motse oo. Bophelo ba motse oo bo itshetlehile ka ho sireletsa mehlodi ena ya tlhaho le ho e sebedisa ka bohlale. Haeba mehlodi ena ya tlhaho e sa sireletswe le ho sebediswa ka bohlale, ho ke ke ha ba le letho le setseng bakeng sa meloko ya ka moso.
Botsamaisi: Batho ba motse oo ba sebedisa mokgatlo o thehilweng motseng community based organisation CBO kapa ba bopa mokgatlo o motjha ho etsa maano a ho sireletsa mehlodi ya bona ya tlhaho le ho e sebedisa ka bohlale. Mokgatlo ona o sebetsa ka tsela eo o tlang ho tshepjwa ke baahi ba motse-menyako ya wona e bulehetse motho e mong le e mong ya ratang ho ba le seabo. Baahi ba motse ba tadima mokgatlo oo e le lekgotla le tshwanelehang le le emelang dithahasello tsa bona mme ba ka rata ho sebetsa le lekgotla lena.
Ka mokgatlo ona wa bona, baahi ba motse ba dumellana ka dipakane le melao e tshwanang mme motho e mong le e mong o latela dipakane le melao ena. Haeba ho hlokahala, ba kopa thuso le tshehetso e tswang ka ntle, ho tswa mmusong, mekgatlong ya ntshetsopele e jwaloka di-NGO le batshehetsi ba fanang ka tjhelete. Haeba ho hlaha mathata projekeng, ba ithuta diphosong tsa bona le ho etsa dintlafatso tse hlokahalang ho tiisa hore projeke ena e ya atleha. Ba bopa maqhama a ditshebedisano le metse e meng, mafapha a mmuso le dikhamphani tsa praevete le batho ka bomong. Ba ntlafatsa tsebo ya boiphihlelo le tsebo ya bona mabpi le ho hlokomela le ho ntshetsa pele mehlodi ya bona le metse ya bona.
Diprojeke tse nehang metse ya mahae ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa, ka mohlala: diprojeke tsa ho sebedisa mekgwa e melemo ya temo, kapa diprojeke tsa ho haha dikgwebo tse nyenyane e le hore ba se ke ba itshetleha feela ka temo kapa meru kapa ho tshwasa dihlapi.
Diprojeke tse thusa mesebetsi hore e sebedise ka bohlale mehlodi ya tsona ya tlhaho, jwaloka ho beha ditekanyetso tshebedisong mehlodi ya tlhaho e fokolang haholo e jwaloka dihlapi kapa ditholwana, e le hore mehlodi ena e se ke ya sebedisa haholo ho tlola tekanyo.
Diprojeke tse thusa metse hore e une melemo mehloding ya yona ya tlhaho ntle ho hore e qete mehlodi ena, jwaloka ho ntshetsa pele diprojeke tsa bohahlaudi (bahahlaudi ba lefa tjhelete ho etela meru ya sebaka seo, ka mohlala, ho ke ke h a hlokahala hore difate di rengwe e le hore batho ba iphedise).
Diprojeke tse etsang hore baahi ba motse ba amehe tabeng ya ho ba basebetsi-mmoho le Parks Boards kapa mekgatlo e meng e amehang tshireletsong ya mehlodi ena, moo baahi ba motse ba nang le phihlello ya mobu le ditokelo tsa ho sebedisa mobu, mme ba una melemo ka ho sebedisana le mekgatlo ena. Mohlala o mong wa mofuta ona wa projeke ke tumellano eo Baahi ba Motse wa Makuleke ba e entseng le Kruger National Park.
Diprojeke tse nehang baahi ba metse tsebo ya ho hlokomela mehlodi ya yona hamolemo.
Diprojeke tse fanang ka phihlello ya moby le mehlodi eo baahi ba metse ba ka e sebedisang mererong ya setso, bomoya le boikgathollo, hammoho le ho iphedisa.
Ho ntlafatsa bophelo le boleng ba bophelo ba baahi ba motse, le ho thusa ho fokotsa bofuma ba metseng ya mahaeng.
Ho sebedisa ka bohlale le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho dintho tse ding tse phelang sebakeng seo.
Ho matlafatsa metse ya mahaeng hore e kgone ho iketsetsa diqeto tsa tsona mabapi le tshebediso e bohlale ya mehlodi ya tsona ya tlhaho.
Ke bo-mang ba amehang mananeong a CBNRM?
Mananeo a mangata a CBNRM a kenyelletsa mekgatlo e sa tshwaneng le batho ba sebetsang hammoho. Bana ke bona banka-karolo-batho ba nang le boikarabelo lenaneong.
Baahi ba metse- Bana ke banka-karolo ba bohlokwa haholo. Ka ho tlwaelehileng metse e emelwa ke mokgatlo o ntseng o le teng-ka mohlala, Community-Based Organisation (CBO) jwaloka Development Trust kapa lekgotla la tshebediso ya mehlodi ena. Ka dinako tse ding baahi ba metse ba iketsetsa mokgatlo o motjha o tlang ho hlokomela lenaneo la bona la CBNRM.
Bahlophisi- Bahlophisi ke batho ba thusang baahi ba metsi ho theha le ho hlokomela projeke mme ba sebetsa haufi-ufi le metse ena ho fihlela motse o sa hlole o hloka thuso ya bahlophisi bana. Hangata bahlophisi ba jwalo ke di-NGO, baeletsi (batho ba nang le boiphihlelo kapa tsebo e kgethehileng), kapa batsamaisi ba mmuso bao mosebetsi wa bona e leng 'bohlophisi ba baahi ba metse', 'ntshetsopele ya metse' kapa 'ditshebeletso tsa setjhaba'. Ka dinako tse ding mafapha a yunivesithi kapa diinstitjhuti tsa diphuputso di ka fetoha bahlophisi.
Basebetsi-mmoho Lefapheng la Praevete- tsena ke dikgwebo tsa praevete. Ka mohlala, ka ho tlwaelehileng dikgwebo tsena di kenyelletsa lenaneo la bohahlaudi kapa dipolante tsa meriana. Batho ba dikgwebo tsena ba ba abelana ka tsebo ya kgwebo le mesebetsi, le mehlodi ya tjhelete.
Ba boholong Mmasepaleng wa Lehae le wa Setereke - Ana ke makgotla a mmuso e sebetsang mahetla a bapile le baahi ba metse mme ka ho tlwaelehileng bana ba makgotla ana ba ikarabella ka ho phethahatsa dipholisi tsa mmuso mabapi le mehlodi ya tlhaho, mabapi le ntshetsopele ya moruo sebakeng seo le ho fokotsa leqeme la bofuma dibakeng tsa mahaeng.
Mafapha a Mmuso a Naha le a Diprofensi - Hangata batho ba metse ba atamela mafapha naha kapa a profensi a mmuso ho thusa metse ho qala lenaneo la CBNRM. Ka dinako tse ding mafapha ana a ya ka kotloloho metseng ya mahaeng le ho thusa ka ho theha lenaneo la CBNRM. Hape ba beha ditaelo le melao bakeng sa tlhokomela e ka tshehetswang ka h o tswelang pele ya mehlodi ya tlhaho.
Mekgatlo e Tshehetsang ka Tjhelete- Hangata ena ke mekgatlo ya matjhaba e batlang ho thusa metse ya mahaeng ho hlokomela mehlodi ya yona ya tlhaho le ho hodisa menyetla ya mesebetsi.
Bosebedisani-mmoho bo bolelang?
Boholo ba diprojeke tsa CBNRM bo kenyelletsa basebetsi-mmoho. Bosebedisani-mmoho ke tumellano pakeng tsa mekgatlo e fapaneng le batho projekeng. Basebetsi-mmoho bana ba na le dipakane tse tshwanang. Ho dumellanwa ka boikarabelo le mesebetsi ya basebetsi-mmoho ka bomong pele projeke e qala. Basebetsi-mmoho ba dumela ho latela melao e tshwanang mme haeba ho hlaha mathata projekeng, basebetsi-mmoho ba rarolla mathata ana hammoho e le hore projeke ena e ka tswela pele ka katleho.
Metse ya boahisani e kopanelang mehlodi e tshwanang ya tlhaho-meru, metsi, makgulo, jwang bo sebedisetswang ho loha, jl.
Baahi ba metse, mekgatlo ya ntshetsopele e jwaloka di-NGO, le mafapha a mmuso- ka ho tlwaelehileng di- NGO ke batho ba sebetsang ka kotloloho le baahi ba metse lebitsong la mafapha a mmuso le batshehetsi ba fanang ka tjhelete.
Baahi ba metse, lefapha la dikgwebo tsa praevete le mafapha a mmuso- moo baahi ba metse ba nang le tokelo ya ho sebedisa mehlodi ya tlhaho, mehlodi ya tlhaho ke ya mmuso mme bobedi mmuso le dikgwebo tsa praevete ba etsa tumellano ya ho sebetsa hammoho molemong wa baahi ba metse le mehlodi ya tlhaho.
Ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ke karolo ya pele ya bohlokwa ya CBNRM-ka hobane ntle ho mehlodi ena ya tlhaho, batho ba ke ke ba phela. Empa ena ke karolo e le nngwe feela e etswang ke CBNRM. CBNRM e boetse e fana ka menyetla e meng e mengata bakeng sa baahi ba metse.
Diprojeke tsa Tshireletso ya Mehlodi ena- Metse e ka hirisa karolo e itseng ya mobu wa yona bakeng sa dibaka tse haufi le yona tse sireleditsweng-dibaka tse hlokometseng diphoofolo tse tlhaha. Motso oo o tla leshwa meputso bakeng sa etsa jwalo. Hape ho tla etswa mesebetsi e metjha bakeng sa batho ho thusa ka ho hlokomela sebaka se jwalo se sireleditswe (bahlokomedi ba diphoofolo tsena, babontshi ba bahahlaudi sebaka seo, jl.).
Metse e meng e bile e hatetse pele haholo ka ho theha dibaka tsa tsona tsa tshireletso ya diphoofolo tse tlhaha le bohahlaudi mobung wa metse ya tsona.
Diprojeke tsa Meru- Participatory Forest Management (PFM) ke tsela ya ho sireletsa meru e nehang baahi ba motse taolo ya kamoo ba ka sebedisang meru ena. Baahi ba motse ba ka romela dikopo tsa ho dumellwa ho kga mehlodi e meng (meriana, ditlama, makgapetla, dipalo, jl.) ho tswa merung.
Diprojeke tsa Temo-Dihlopha tsa batho di ka theha makgotla. Makgotleng ana, ditho di sebetsa hammoho ho lema le ho rekisa dihlahiswa tsa temo kapa diruuwa mobung wa praevete kapa wa motse. Thuso ya mmuso e ya fumaneha-ka mohlala, ho ka fanwa ka kwetliso bakeng sa dintho tse jwaloka ho sireletswa ha kgoholeho ya mobu, ho ntlafatsa makgulo le ho ntlafatsa diruuwa.
Metse e kgutliseditsweng mobu wa yona ka ditleleimi tsa mobu hangata di hloka thuso ya ho sebedisa mobu ka bohlale le ka mokgwa o hlahisang ditholwana tse ntle. CBNRM e ka thusa haholo tshimolohong, ka ho fana ka kwetliso mabapi le mekgwa e molemo haholo ya temo le ka ditsela tse ding tsa ho sebedisa mobu le mehlodi e meng. Hape e ka thusa batho ho fumana tsebo kamoo ba ka fihlella dimmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa bona le ditshebeletso.
Diprojeke tsa Bohahlaudi- Baahi ba metse ba ka etsa ditumellano le bahwebi kapa bosebedisani le batsamaisi ba bohahlaudi. Metse e ka hirisetsa khamphani ya praevete karolo e itseng ya mobu. Khamphani e ikarabella ka tumellano ya kgwebo, mme motse o ikarabella ka tlhokomelo ya mehlodi ya tlhaho le tlhokomelo ya mobu. Ho na le tjhelete e lefuwang le mesebetsi bakeng sa metse.
Ho Theha Dikgwebo tse Nyenyane- CBNRM e ka thusa ho qadisa dikgwebo tse nyenyane le ho fana ka ditsela tsae ntjha tsa ho fumana tjhelete, ho ya ka botsamaisi bo nang le kelo-hloko ya mehlodi ya tlhaho.
Ho Theha Mekgatlo ya Metse- Baahi ba metse ba ka fumana boiphihlelo le tsebo ya ho theha le ho tsamaisa mekgatlo ya bona mabapi le ho rera le ho hlokomela diprojeke. Ka mekgatlo ena ba ka tiisa hore ba na le taolo mabapi le ntshetsopele ya metse ya bona.
Ho Ntlafatsa Bophelo- Mananeo a CBNRM a ka phethahatsa karolo ya bohlokwa mabapi le ho ntlafatsa bophelo ba motse ka kakaretso. Mekgwa e molemo ya temo le tlhokomelo ya bophelo bo hlaha le ho tshwaso ya dihlapi e ka hlahisa dijo tse molemo haholo bophelong. Dikgwebo tse nyenyane tse tsamaiswang haholo di ka eketsa meputso e amohelwang ke malapa le ho a thusa ho sebetsana le ditjeo tse phahameng haholo tsa malwetse a jwaloka HIV/AIDS. Botsamaisi bo nepahetseng ba meru bo ka thusa ho fana ka dimela tseo ho ka etswang meriana ka tsona ho imolla batho kgatellong e tliswang ke malwetse, mahong a ho etsa makese le dipatsi e sebediswang mapatong ka lebaka la ho eketseha ha mafu ka lebaka la AIDS. Mekgatlo e thehilweng ka sepheo sa ho hlokomela mananeo a CBNRM e ka thusa mabapi le ho fumana thuso mmusong le ho basebetsi-mmoho ba bang. CBNRM e ke ke ya fodisa batho ba kulang, empa e ka ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi ba motse le ho thusa batho moo ho sebetsana le ditlamorao tsa ho kula.
Ho Fana ka Menyetla ya Thuto le Kwetliso - Hangata batho ba baholo ba amehang mananeong a CBNRM ba lokela ho kwetliswa mabapi le ho rutwa ho bala, ho ngola le ditsebo tse ding tse ngata. Dikolong, CBNRM e ka kenyelletswa dithutong tsa tsebo ya bophelo, dithutso tsa mmetshe, baoloji le saense. Baithuti ba dikolo ba kenya letsoho mananeong a CBNRM ka ho bokella lesedi le ka ho thusa ho beha leihlo diprojeke ho bona haeba di fihlella dipakane tsa tsona. Dikolo tsa mahaeng le matitjhere ba fetoha basebetsi-mmoho ba molemo ba CBNRM-ba fana ka dikamore tsa ho tshwarela diboka le dithupello, difounu le difekse, le ho tlatsetsa ka ho bala, ho ngola le tsebo ya ho hlahloba dibuka tsa ditjhelete.
Ho Neha Basadi le Batho ba Fumanehileng Lentswe- Mantswe a basadi, batjha, batho ba dikobo-di-mahetleng ka ho tlwaelehileng ha a utlwuwe metseng. CBNRM e fana ka monyetla wa hore mantswe "a thotseng" a batho bana ba motse a utluwe. Ka hobane CBNRM e mema batho ba tswang maemong wohle a motse hore ba kenye letsoho. Le ka hobane ka mehla mananeo a CBNRM a etseditswe batho ba dikobo-di-mahetleng le ditho tsa baahi ba motse tse hlahelwang ke bomadimabe habonolo- batho bao ka nnete-nete ba hlokang thuso.
Ho sireletsa mehlodi ya tlhaho.
Tsena ke dipakane tse tshwanang le tsa CBNRM. Ka ho sebetsa haufi-ufi le Makgotla a Lehae le a Setereke, mananeo a CBNRM ke karolo ya IDP ya motse oo le ho thabela melemo ya tshehetso eo mmuso wa lehae, wa profensi le wa naha e fanang ka yona.
CBNRM ha e etsahale feela Afrika Borwa. Le hoja ho na le mananeo a CBNRM a atlehang Afrika Borwa, jwaloka tumellano le motse wa Makuleke Kruger National Park, dinaheng tsa rona tsa boahisani, hammoho le dikarolong tse ding tsa lefatshe, metse e ntse e kopana e le hore e sebedisane mabapi le ho hlokomela ka bohlale mehlodi ya tsona ya tlhaho, molemong wa motho e mong le e mong. Pakane e tshwanang dibakeng tsohle ha se feela ho fokotsa bofumana-le hoja ho le bohlokwa haholo ho bo fokotsa. Diprojeke tsena lefatsheng ka bophara di amehile ka makgabane a bohlokwa a bomoya ba batho le ditso tsa bona le bophelo ba bona hore bo le le boleng. Batho ba lemoha hore CBNRM e ka sebetsa le ho fana ka melemo ya sebele.
Mmuso wa rona o saenne ditumellano tsa bohlokwa mabapi le h o sireletsa mehlodi ya tlhaho le ho fokotsa bofuma. O ka nna wa fumana Ditumellano tsen tsa Matjha, hammoho le Melao ya Afrika Borwa le Dipholisi tsa tshireletso ya mehlodi ya tlhaho le ho fokotswa ha bofuma phetolelong ya CD mabapi le ditataiso tsena kapa o ka di fumana Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
Karolong ena, re sheba metheo e meholo e supileng ya bohlokwa ho etsa hore lenaneo la CBNRM le atlehe.
Motheo 1 Ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa di hlokometswe le ho sireletswa, ho fokotsa bomadimabe bo ka hlahang ka lebaka la dikoduwa tsa tlhaho le tsa moruo.
Motheo 2 Sebaka se nang le mehlodi ya tlhaho se hlokometswe le ho sireletswa le ho ntlafatswa e le hore mehlodi ya tlhaho e ka tswela pele tshehetsa bophelo bakeng sa batho hona jwale le nakong e tlang.
Motheo 3 Mekgatlo ya metse, ho kenyelletswa le mekgatlo ya mmuso wa lehae le mekgatlo ya motse, e sebetsa hantle ho hlokomela mehlodi ya sebakeng ho untsha batho ba motse melemo le bakeng sa tikoloho.
Motheo 4 Batho ba una melemo ya sebele-ya moruo, ya setjhaba, ya setso le ya moya-e hlahiswang ke ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ka bohlale.
Motheo 5 Ho na le dipholisi le melao e sebetsang mme, neng le neng ha ho kgoneha, melao ena e sebediswa ke baemedi ba tshwanelehang ba batho ba motse le mekgatlo e emetseng batho.
Motheo 6 Thuso e tswang ka ntle e fanwa ho thusa diprojeke tsa metse. Tsebo le boiphihlelo ba batho ba metse di a hlomphuwa.
Motheo 7 Ho na le kutlwisiso e ntle haholo ya boetapele ba motse mme boetapele ba motse bo tshehetsa ka ho feletseng diprojeke tsa CBNRM.
Dumella sebaka sa ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa. Malapa a mangata a metseng ya mahaeng a sebedisa mokgwa o fetang o le mong wa ho iphedisa. Sena se ba sireletsa bomadimabeng bo ka hlahang-haeba ba lahlehelwa ke mohlodi o mong wa tjhelete, ba ka tswela ba itshetlehile ka mehlodi e meng.
Le hopole hore ha se motho e mong le e mong ya leng motlotlo ka mehlodi ya tlhaho ka tsela e tshwanang. Ho batho ba bang, mehlodi ya tlhaho e bolela tjhelete. Batho ba bang ba motlotlo haholo ka mehlodi ya tlhaho ka mabaka a setso le histori. Ha se motho e mong le e mong ya nang le maikutlo a tshwanang le a basireletsi ba mehlodi ya tlhaho. Batho ba fapaneng ba na le dintho tse fapaneng tseo ba di tadimang di le bohlokwa.
Kgothalletsa batho ba nang le ditsebo tse fapaneng hore ba kenye letsoho. Sebedisa mefuta e sa tshwaneng ya tsebo le bokgoni kamoo ho kgonehang. Mekgatlo ya metse e amehang mananeong a CBNRM e tshwanetse ho emela dihlopha tsohle tsa baahi ba motse.
Batho ba tswela pele ho iphedisa ka ditsela tse sa tshwaneng.
Ka mohlala, ba lema dijo, ba rua diphoofolo, ba rekisa mahe, mesebetsi ya bonono ya matsoho, ba rekisa matsoho a bona, ba bokella dimela tsa meriana, ba hela jwang ba ho rulela matlo a jwang le dijo tsa lewatleng, le ho fana ka ditshebeletso bakeng sa bahahlaudi.
ba sebedisang mehlodi ena ya tlhaho, mme ba na le tsebo le bokgoni bo bongata boo ba ka fanang ka bona. Etsang bonnete ba hore le bula sebaka bakeng sa ditlatsetso tsena tsa batho bana le tsebo ya bona ya ho etsa dintho.
Tsebo ya moetlo le ditso tse sa tshwaneng e bohlokwa. Metse ya rona e na le batho ba nang le ditso tse sa tshwaneng, le ditsela tse sa tshwaneng tsa ho etsa dintho. Setso se seng le se seng se na le tsebo ya bohlokwa haholo le bokgoni boo e ka tlatsetsang ka bona. Diphapang tsena ke matla, e seng bofokodi-di ka tlatsetsa haholo katlehong ya projeke.
Le se ke la...
Le se ke la qala diprojeke tse fokotsang ditsela tse ngata tse fumanehang bakeng sa batho tsa ho iphedisa.
Le se ke la hlokomoloha ho se tshwane ha ditso tsa batho ba motse oo. O na nahana hore seo se tla nolofatsa botsamaisi ba mehlodi eo, empa se ka tswala mathata a mangata.
Mehlodi ya tlhaho e a hlokomelwa le ho sireletswa esita le ho ntlafatswa e le hore mehlodi ena ya tlhaho e ka nna ya tswela pele ho neha batho bohobe hona jwale, le nakong e tlang.
Tiisang hore mehlodi ya tlhaho e ka sebediswa ho fumana tjhelete kapa melemo e meng. Etsang bonnete ba hore batho utlwisisa melemo ya tjhelete ya mehlodi ena le melemo e meng e ka tliswang ke tshebediso e bohlale ya mehlodi ena.
Hlokomelang le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho.
CBNRM e ke ke ya tswela pele e le teng. Behang melao e laolang hore na ke bo-mang ba ka kotulang mehlodi ena, le hore hokae le hore sena se ka etswa neng le hore na ke ditekanyo tse kae tsa mehlodi ena tse ka nkuwang (quotas). Ho be le dikotlo tse behilweng bakeng sa batho ba tlolang melao ena, le melao ya boitshwaro eo e mong le e mong a ka e bolokang le ho e tshehetsa.
Etsang leano le sebetsang la botsamaisi ya mehlodi ena. Etsang leano le hlakileng la ho sireletsa le ho sebedisa mehlodi ya tlhaho. E tshwanetse ho ba leano le sebetsang, e seng feela lethathamo la dintho tseo le di lakatsang. Sebedisang kutlwisiso le tsebo ya batho ba motse mabapi le mehlodi ena, hammoho le tsebo le boiphihlelo ba basebetsi-mmoho ba jwaloka di-NGO le batsamaisi ba mmuso.
Botsamaisi le taolo e ntle di tla bolela hore ho tla ba le mehlodi ya tlhaho e eketsehileng le ya boleng bo botle. Ho tla ba le dihlapi tse eketsehileng tsa dimasele tse holang majweng, dibaka tse kgolo tse nang le jwang ba boleng bo botle, difate tse holang ho tswa dipeong tse jetsweng le difate tse nyenyane tsa difate tsa bohlokwa di a hola merung, mme ho tla ba le diphoofolo tse eketsehileng tse hlaha.
Hlokomelang hore mehlodi ena e se sebediswe ka ho tlola. Ka dinako tsohle le behe leihlo le ntjhotjho le ho hlokomela hore mehlodi ena ya tlhaho e shebahala e le boemong bo botle le hore ha e sebediswe ho tloha. Sena se bitswa peho ya leihlo. Batho ba sebedisang mehlodi ena, hammoho le batho ba bang motseng ba tshwanetse ho kenyelletswa diqetong tsa kamoo peho leihlo ena e ka sebediswang, le ho beha dintho tsena leihlo. Le se lebelle hore batho ba latele melao haeba ba sa ka ba kenyelletswa ho etsweng ya yona! Leano la lenaneo la lona le tshwanetse ho kenyelletsa ho beha mehlodi ena ya tlhaho leihlo ho tiisa hore e sireleditswe ka nepo.
Latelang katamelo ya botsamaisi bo fetolwang. Behang dipakane, behang leihlo boemo ba mehlodi ena le ho etsa qeto mabapi le mehato eo le tla e nka mabapi le matshwao a lemosang ka mathata.
Tsetelang karolo e lekaneng ya tjhelete e leshwang ke diprojeke tsena tlhokomelong ya mehlodi ena le tlhokomelong ya motse wa mehlodi ena.
Kwetlisang batho bakeng sa tlhokomelo ya mehlodi ya tlhaho. Kwetlisang le ho thusa batho ba nepahetseng, le ba thusa hore ba nke boikarabelo ba ho laola tshebediso ya mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la...
Le se ke la nkella feela hore melemo e hlahiswang ke mehlodi ena ya tlhaho ho tla iketsahalla hore e etse hore batho ba motse ba jara boikarabelo ba ho sebedisa mehlodi ena ya bona ka bohlale-le tshwanetse ho sebetsa ho bona hore ho ba jwalo. Sena ke sona seo lenaneo la CBNRM le se bolelang!
Le se dumele hore lenaneo la CBNRM le bolela ho 'hata ka maro' mabapi le tshebediso ya molao. Melao e tshwanetse ho etswa le ho latelwa. Ho tshwanetse ho be le dikotlo bakeng sa batho ba tlolang melao ena.
Le se lete ho fihlela ntho e nngwe le e nngwe e phethahetse pele le lokisa ditaba-letsatsi leo ha ho mohla le fihlang! Ka dinako tsohle ho na le bomadimabe bo ka hlahang projekeng efe kapa efe -leka ho fokotsa bomadimabe ka ho rera lenaneo ka hloko le ka tlhokomelo e kgolo.
Ho theha mekgatlo ya metse. Lenaneo lena le tshwanetse ho hlokomelwa ke lekgotla la motse kapa mokgatlo wa motse, ba ikarabelle bakeng sa ho tsamaisa le etsa diqeto. Ho ka etsahala mokgatlo ona o entse o le teng kapa ho hlokahala hore o thewe mokgatlo o motjha haeba ho se na mokgatlo o tshwanelehang, o sebetsang o leng teng.
Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o tseba seo a tshwanetseng ho se etsa mokgatlong, le hore boikarabelo ba bona ke bofeng. Le tshware diboka ka mehla ho tiisa hore motho e mong le e mong o tseba kamoo ba ka tlatsetsang lenaneong lena, mme ba etsa seo ba tshwanetseng ho se etsa. Ngolang molao wa motheo, o hlalosang ka ho batsi dikarolo le boikarabelo ba ditho tsa tsa mokgatlo.
Baemedi ba tshwanetse ho emela dihlopha tsa baahi ba motse. Baemedi ba tshwanetse ho botsa keletso le ho fana ka karabelo dihlopheng tseo ba di emelang. Nako di tshwanetse ho botswa dikeletso le ho fuwa dikarabelo. Ho emela sehlopha ho bolela hore o moo bakeng sa sehlopha, e seng bakeng sa hao.
Tiisa hore ho na le moetapele le hore sehlopha se se sebetsang mosebetsing o mong le o mong o moholo se na le moetapele kapa sebaka sa boikarabelo. Baetapele ba tshwanetse ho ba baetapele ba mmakgonthe-batho ba nang le sehlahlo, mafolo-folo, nako le bokgoni ba ho kganna lenaneo hore le tswele pele. Ho lemoha le ho tshehetsa baetapele ba batjha le ho hlokomela baetapele ba leng teng. Batho ba amohelang dikarolo tsa boetapele ba tshwanetse ho ba le nako ya ho phethahatsa mesebetsi ya bona ka nepo.
Ho tsepamisa dikelello le tlhokomelo metseng ya batho ba dikobo-di-mahetleng. Leka fihlella ditlhoko le tshireletseho ya batho ba dikobo-di-mahetleng- ke bona batho ba nang le ditlhoko tse kgolo ka ho fetisisa. Behang melao e hlakileng ho tiisa hore motho e mong le e mong o kgona ho ba le seabo. Tiisang hore mantswe a batho ba dikobo-di-mahetleng le ba se nang lentswe, ka ho kgethehileng basadi ba fumanehileng le batjha, a utluwa.
Ikemisetseng ho fana ka matla a mangata le taolo kamoo ho ka kgonehang bathong ba sebedisang mehlodi ena. Qetellong, hang feela ha basebedisi ba mehlodi ena ya tlhaho ba fuwe kwetliso le tsebo e hlokahalang, ba tshwanetse ho tsamaisa lenaneo lena, kamoo ba ka kgonang ka teng.
Behang maemo a hlakileng mabapi le ditokelo tsa mobu le mehlodi ya tlhaho. Leanong la lona la botsamaisi le molaong wa motheo wa lona, le tshwanetse ho bontsha ka ho hlaka hore batho ba tshwanetseng ho se etsa pele ba fumana ditokelo tsa ho sebedisa mobu le mehlodi ya tlhaho. Haeba ho hlokahala, fumanang thuso e tswang ka ntle ya tsebo ya mosebetsi le thuso ya molao ho etsa leano le molao motheo ona.
Nehang batho tshireletso ya nako e telele le ditokelo tsa ho sebedisa mehlodi ena le mobu. Le lakatsa hore batho ba sebedise nako le boikitlaetso mabapi le ho hlokomela mehlodi ena ya tlhaho.
ntle le haeba ba tseba hore ho na le melemo ya nako e telele eo ba tla e una bona le malapa a bona.
Tiisang hore batho ba tseba hore na mmuso o etsang mananeong a CBNRM. Mmuso-wa lehae, wa setereke, wa profensi le wa naha-o na le dipholisi le mananeo a amang CBNRM. Batho ba tshwanetse ho tsebiswa ka mananeo ana a batsi le kamoo mananeo ana a amang lenaneo la lona la motse. Ba tshwanetse ho utlwisisa kamoo tlatsetso ya bona e kenellang lenaneong le batsi la CBNRM naheng, Afrika, le lefatsheng ka bophara.
Ho etsa qeto mabapi le baetapele ba setso ba phethahaetsa karolo efeng. Baahi ba motse ba tshwanetse ho etsa qeto hore na e be baetapele ba setso ba tla tla ba tla ba le boemedi mokgatlong wa CBNRM kapa tjhe.
Le tsebe ka ho hlakileng haholo ditokelo tsa motse le boikarabelo.
Le etse qeto, ka ntle ho leeme, ka tsela ya puso ya batho bohle le ka molao, hore na ke bo-mang ba nang le ditokelo bakeng sa mehlodi efeng le hore na e tla ba dibakeng difeng, le hore na ditokelo tseo le boikarabelo ke difeng.
Moo ho kgonehang, sebedisang tsebo ya motseng oo. Lekang ho utlwisisa diphapang tsa ditumelo le tsebo hara batho batho ba amehang. Tiisang hore le sebedisa tsebo ya moetlo wa motse oo e ka le thusang ho fihlella dipakane tsa lenaneo lena. Ho phaella mona, sebedisang tsebo le boiphihlelo ba mekgatlo e fanang ka tshehetso jwalo di-NGO le basebetsi-mmoho ba bang ba nang le ditsebo le boiphihlelo bo ka thusang.
Hlokomelang hore ho haha mekgatlo ke lenaneo le nkang nako e telele le le tsamayang butle. Ho haha mokgatlo o atlehileng ho ka nka dilemo tse ngata. Nakong eo mokgatlo o hloka tshehetso e tswelang pele. Hangata CBNRM e kenyelletsa diphetoho tse kgolo tsa dipolotiki le setso-sena se nka nako e telele.
Lekgotla la Lehae le tshwanetse ho etella pele mesebetsi ya CBNRM le ho theha sehlopha se sebetsang sa CBNRM ho sebetsa le mokgatlo wa motse mananeong a CBNRM. Mmuso wa lehae o na le tlatsetso ya bohlokwa haholo mabapi le ho etsa leano le ho theha diprojeke tsa CBNRM.
balefi ba rente, mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo ya basadi, ya batjha, dihlopha tsa bodumedi, dikgwebo tse nyenyane, bareki ba mebileng, batei ba mesebetsi ya bonono, batho ba sa sebetseng.
Theha sehlopha sa naha se fanang ka tshehetso sa CBNRM. Sehlopha sena se tshwanetse ho ikarabella ka emela ditsamaiso tsa naha tsa CBNRM mabapi le ho sebetsana le melao le dipholisi tsa tikoloho, hammoho le tshehetso ya tsebo ho moifo wa profensi le o sebetsa le batho.
Ho kenyelletswa mananeo a kwetliso a CBNRM a ho kwetlisa baboholo ba mafapha a mmuso le a motse.
Sebedisang wa motse o fanang ka tlhokomelo o sebetsa hantle haholo mme o nka boikarabelo ba wona ka botebo.
le tlisetsa batho melemo le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la...
Le se ke la kgella fatshe tsebo ya botsamaisi ba moifo wa mekgatlo ya metse.
Le se ke la kgella fatshe bohlokwa ba boetapele ba motse le baemedi ba motse-lena ke lenaneo la motse, le etellwa pele ke batho ba motse.
Le se ke la kgella fatshe tlhoko e kgolo ya tshehetso e tswelang pele ha ho hodisa mekgatlo ena. Leeto le sa le lelelele ka sebele!
Behang dipakane tse hlakileng, le tsa sebele. Kopa banka-karolo kaofela hore ba itihele ka setotswana le ho fana ka tlatsetso ya bona. Etsang bonnete ba hore e mong le e mong o tseba seo a lebeletsweng ho se etsa lenaneong lena. Ho etsa ditshepiso tse kgolo tseo ba ke keng ba kgona ho di phethahatsa ho tla qetella feela ka mathata hamorao. Ela hloko hore tlatsetso e tswang ka ntle e le nnotshi ha se tiisetso ya hore diprojeke tsa CBNRM di tla atleha kapa le ha e le ho fana ka tiiso ya ho tswela pele ha diphihlello tsa diprojeke tsena. Kopa hore boinehelo le tlatsetso ya metse, esita le haeba e le feela pontsho ya tshehetso ya maikutlo kapa mohopolo.
Bontsha melemo ya sebele ya lenaneo lena. Haeba o ikemiseditse ho etsa dikgwebo tse nyenyane tse thehilweng mehloding ya tlhaho, tiisa hore dikgwebo tsena di tla ba le menyetla e metle ya ho atleha. Haeba ho hlokahala, fumana thuso e tswang ka ntle ho etsa diphuputso tsa kgonahalo-sena se tla o bolella hore na ebe kgwebo e jwalo e tla atleha kapa tjhe.
Rera mefuta e sa tshwaneng ya melemo.
Batho ba tla putswa bakeng sa mosebetsi oo ba o etsang mabapi le ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Ba kgomarela ditekanyo tse behilweng tsa kotulo, ba fumana theko e ntle bakeng sa dihlahiswa tsa bona, le ho etsa tjhelete e eketsehileng ka lebaka la ho atolosetsa mosebetsi wa bona dibakeng tse ding.
Bahlokomedi ba motse thibela batho ba tswang ka ntle ho utswa dimela kapa diphoofolo.
melemo e itseng ya nako e kgutshwanyane. Buisana le mekgatlo e fanang ka tshehetso ya tjhelete ho fana ka 'ditjhelete tsa ditjeo tsa qadiso' bakeng sa mehato e qalang ya projeke. Empa, e mong le e mong o tshwanetse ho tseba hore ho ka nna ha etsahala hore ho se bonahele ditholwana tsa projeke di tloha fatshe feela. Ditholwana tse ding tse nkang nako e telele di ka kgolwa feela ka mora boikitlaetso bo matla ka sebele ba e mong le e mong ya amehang.
Tiisa hore ho na le melemo ya sebele bakeng sa batho Baahi ba motse ba tshwanetse ho tela dintho tse itseng e le hore ba sireletse kapa ba hlokomele mehlodi ya bona ya tlhaho-ba sebedisa mobu wa bona, nako, matla ho fetola kamoo ba etsang dintho ka teng. Ba tshwanetse ho tseba hore melemo ya CBNRM e tla etsa hore boikitlaetso bohle ba bona e be bo neng bo tshwaneleha.
Ho tshwanetse hore ho be le mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa projeke.
Batho ba tshwanetse ho kgona ho rekisa thepa e hlahiswang ke projeke ya CBNRM. Haeba ho se mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang, projeke e tla wa. Ho batla dimmaraka tsa thekiso ke karolo ya bohlokwa ya thero ya kgwebo. Thuso ya tsebo e tswang ka ntle le basebetsi-mmoho ba ka thusa ho fihlella dimmaraka.
Haha tsebo ya kgwebo. Tsebo ya kgwebo botsamaisi, ditjhelete, le tlhokomelo di bohlokwa haholo bakeng sa katleho ya lenaneo la lona. Tiisa hore ho tloha tshimolohong ya lenaneo la lona le na le batho ba nang le tsebo e hlokahalang sebedisang thuso e tswang ka ntle haeba ho hlokahala le ho hlophisa ho fana ka tsebo ya kgwebo le ho kwetlisa baahi ba metse jwaloka karolo ya lenaneo la lona. Ho etsa jwalo le tla be le tsetetse ka mokgwa o hlwahlwa bakeng sa bokamoso.
Melemo e hlahiswang ke CBNRM e ke ke ya rarolla mathata kaofela a motse oo. CBNRM e ke ke ya beha dijo dijaneng tsa batho ba dikobo-di-mahetleng hang-hang, kapa ho neha motho e mong le e mong mosebetsi. Empa ke karolo ha bohlokwa ya ho haha motse o matlafetseng le o nang le bokamoso bo kganyang, ho itshetlehile ka ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho le ka ho sebedisa mehlodi ena ka bohlale. Ho fapana le motse ona e ka ba motse o sebedisitseng mehlodi yohle ya wona ya tlhaho mme ho se letho le setseng ho le neha moloko o hlahlamang.
Batho ba tlatsetsang haholo, kapa ba etsang boitelo bo boholo, ba tla lebella ho kotula tjhai ho feta batho ba sa kang ba etsa jwalo. Leha ho le jwalo, melemo ya lenaneo lena e lokela ho atolosetswa bathong ba bangata kamoo ho ka kgonehang, ka ho kgethehileng batho ba dikobo-di-mahetleng. Mohlomong ba ke ke ba kgona ho tlatsetsa haholo, empa ditlhoko tsa bona di kgolo haholo.
Tiisang hore ha ho be feela le melemo ya tjhelete. Batho ba tla kgothalla ka sebele haeba ba bona melemo e meng e fapaneng e tlisetswang motse wa bona. Melemo ena e ka kenyelletsa: tshireletso ya molao kgahlanong le ditshokelo tse tswang ka ntle tse sokelang mobu wa bona le mehlodi ya tlhaho; tshehetso mabapi le ho fumana tsebo ya mosebetsi, ya ditjhelete le tshehetso ya bopolotiki ho haha mekgatlo ya metse; thuto le kwetliso mabapi le tsebo ya ho hlokomela mobu le mehlodi ya moo; ditshebeletso tsa bohlophisi; phihlello ya dikadimo tsa tjhelete le ditjhelete tse ding. Melemo ya setso le ya moya ke ya bohlokwa ka ho kgethehileng. Boikutlo ba hore le fihlelletse lenaneo le itseng ka ho sebetsa hammoho, boikutlo ba ho ba le boleng le seriti bo tliswang ke ho itihela ka setotswana le boikitlaetso, ho matlafatswa ha makgabane a motse le meetlo le tsebo-melemo ena kaofela e haha baahi ba motse mohlomong ho feta tjhelete le melemo ya matlotlo a bonahalang.
Le se ke la...
Le se qale diprojeke tse lefang meputso ntle le haeba le tseba moo le hore ke jwang le tla kgonang ho rekisa dihlahiswa tsa lona.
Le se ke la tshepisa melemo eo le ke keng la kgona ho fana ka yona.
Le se ke la etsa hore baahi ba metse ba itshetlehe ka ditjhelete tsa motshehetsi wa tjhelete kapa mmuso. Diprojeke tsena di tshwanetse ho lefa ditjhelete tsa tsona, kapele kamoo di ka kgonang ka teng.
Le se ke la nahana ho qala lenaneo la CBNRM ntle le haeba mafapha a mmuso ao le sebetsang le wona a tla tshehetsa ka botlalo metheo ya lenaneo la CBNRM.
Le se ke la nahana hore batho kaofela ba tla ba le katamelo e tshwanang mabapi le mehlodi ya tlhaho jwaloka basireletsi ba mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la qala projeke ho fihlela le hlophisitse ka ho feletseng dipakane tsa nako e telele tsa projeke eo.
Etsang hore baahi ba motse ba kenyelletswe ho etseng diqeto mabapi le dipholisi. Dipholisi ke melao e hlokahalang bakeng sa mokgatlo o mong le o mong. E bolela ka ho hlakileng seo mokgatlo o rerileng ho se etsa, le kamoo mokgatlo o tlang ho etsa dintho tsena. Baahi ba metse ba tshwanetse ho kenyelletswa mohatong o qalang wa ho etsa dipholisi tsena tsa mokgatlo le lenaneo.
Fetolang dipholisi haeba ho hlokahala. Ha mokgatlo o ntse o hola mme le qala ho kenya diprojeke tshebetsong, le ka fumana hore dipholisi tse ding ha di sa sebetsa. Ho ka hlokahala hore le fetole pholisi e le hore e phethe seole batlang ho se etsa.
Ditokomane tsa pholisi di tshwanetse ho ba bonolo ho di utlwisisa. Bolokang dipholisi di le bonolo kamoo ho ka kgonehang e le hore di ka utlwisiswa ke bohle. Di fetolelwe dipuong tse ding haeba ho hlokahala. Etsang bonnete ba hore ditho tsa moo di ka kgona ho fihlella dipholisi tsena haeba ho hlokahala hore di etse jwalo.
Melao e lokelang ho kengwa tshebetsong.
Batho ba dumela ditokelo tsa bona le boikarabelo.
Baahi ba motse ba etsa diqeto mabapi le kamoo ba ka sebedisang mehlodi ya tlhaho ya bona. Ho bokella ditekanyetso tse itseng ho behwa ke ke baahi ho iphaphatha le keletso ya ditsebi.
Dipholisi tse akarelletsang tse thehilweng metseng ho ya ka 9 tsa naha le tsa diprofensi. Ho na le melao le dipholisi tsa naha le tsa diprofensi tse amang CBNRM. Le ka sebedisa tsena ho etsa melao le dipholisi tsa lona tsa metse, empa le ho le jwalo, le tla etsa diphetoho tse tshwanelang ditlhoko tsa metse ya lona. Ha lenaneo la lona le ntse le hola, le ka nna la leka ho susumelletsa mmuso hore o etse melao e metjha le dipholisi tse ntjha, kapa hore o etse diphetoho melaong le dipholising tse ntseng di le teng, ho itshetlehile ka boiphihlelo ba lona ka kotloloho le lenaneo la CBNRM.
Hokahanya dipholisi tsa motse le IDP ya motse. Bo-mmasepala kaofela ba setereke le ba lehae ba na le mananeo a thero- di-IDP. Di-IDP di na le dipheo tse tshwanang le tsa mananeo a CBNRM. Ka lebaka lena, le tshwanetse ho sebedisana haufi haholo le mmasepala wa lehae le wa setereke. Tiisang hore dipholisi tsa lona le melao ya lona e iphaphatha le dipholisi le maano a Lekgotla la mmuso. Ka ho sebedisana hammoho le ka fihlella dintho tse ngata haholo.
Mmuso wa leha ke senotlolo. Ka hobane mmuso wa lehae o na le karolo ya bohlokwa haholo ntshetsopeleng ya mananeo a CBNRM, mmuso o na le boikarabelo ba ho tiisa hore mmuso wa lehae o hlomelletswe hantle ho tshehetsa mekgatlo ya metse ka mananeo a yona a CBNRM. Batsamaisi ba mmuso wa lehae ba tshwanetse ho rupellwa hore ba fane ka thuso ditshisinyong tsa ditokisetso tse mabapi le projeke ya mekgatlo ya metse.
Mafapha a mmuso a tshwanetse ho tiisa hore melao, dipholisi, le ditumellano tsa metse di a latelwa. Mosebetsi wa batsamaisi ba lefapha la mmuso o tshwanetse ho bewa leihlo ho tiisa hore ba neha mananeo a metse tshehetso e hlokahalang.
Pholisi tsena di tshwanetse ho ba le matla a ho fana ka kotlo. Difaene le dikotlo tse ding di tshwanetse ho tiiswa haholwanyane haeba melao e hatwa ka maoto. Dumella batsamaisi ba mmuso ba sebetsang le metse hore ba sebedise kahlolo ya bona e molemo ha ba sebedisa molao. Boemo ka bong bo fapane.
Behang matla a taolo mahetleng a mokgatlo wa motse ha ho loketse.
mehlodi ya tlhaho a tshwanetse ho fetisetswa mokgatlong wa motse ha o thehilwe ka hantle. Sena se bolela hore: ho na le bolaodi bo kgethilweng; mokgatlo wa motse o thehilwe ka molao jwaloka Trust, Communal Property Association kapa khamphani ho ka ya Karolo 21 ya Molao, mokgatlo o na le tsebo le batho ba hlokahalang bakeng sa botsamaisi; leano la botsamaisi le amohelwang ke banka-karolo kaofela ba fumanehang; ho na le tsamaiso e nepahetseng ya ho beha mananeo leihlo. Metse e ka nna ya hloka tshehetso ya tsebo e tswang ka ntle e le hore e thehe mokgatlo o sebetsang.
Behang ka thoko ditjhelete bakeng sa ho rupellwa mananeo a CBNRM, mme ka dinako tsohle le ntshetse pele tsebo ya baahi ba motse e le hore ba kgone ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Basebetsi-mmoho ba bang, ho kenyelletswa ba boholong ba bommasepala, ba ka hloka kwetliso mabapi le tsebo e itseng e le hore ba kgone ho phethatsa karolo ya bona mananeong a CBNRM. Fuputsang mehlodi yohle e ka fumanehang ya tshehetso ya tjhelete (di-SETA, mananeo a sekolo a thupelo ya mesebetsi, jl.).
Tiisang hore mafapha a mmuso a fapaneng a kgona ho sebetsa hammoho. Lefapha ka leng le tshwanetse ho etsa qeto mabapi le hore karolo ya lona ke efe lenaneong la CBNRM le ho phethahatsa karolo ka mafolo-folo. Mafapha ana a tshwanetse ho etsa maemo a kgethehileng a mosebetsi bakeng sa mananeo a CBNRM naheng, diprofensing, diterekeng le mmusong wa lehae, le ho fana ka kwetliso e nepahetseng le ho tshehetsa dintho tsena ka tjhelete. Dihlopha tse sebetsang tsa CBNRM tse tshehetswang ke mafapha a mmuso di lokela ho thewa naheng le diprofensing ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebedisano le bohokahanyi pakeng tsa mafapa a mmuso.
Thaothang tshehetso bakeng sa mananeo a CBNRM ho batsamaisi ba phahameng le maemong a dipolitiki mmusong le lefapheng la praevete. Batsamaisi ba bang ba mmuso ba ke ke ba tshehetsa tjhebelopele le dipheo tsa pholisi ya CBNRM. Moo ho na le kganyetso lenaneong la CBNRM, botsamaisi bo phahameng bo tshwanetse ho thusa. Tshehetso e tswang bolaoding bo phahameng e bohlokwa haholo bakeng sa katleho ya lenaneo lena.
Fumanang lesedi le nepahetseng pele le saena ditumellano tsa molao.
ho bontshwa ka ho hlaka hore lenaneo la mokgatlo le molemo. Sena se bolela hore mokgatlo o tshwanetse ho ba matla ka ho lekaneng hore o ntshetse pele mesebetsi ya wona, lenaneo le lokela ho fana ka maikutlo a matle a moruo, mme mehlodi ya tlhaho e tla sireletswa ka sebele le ho sebediswa ka bohlale.
Dipholisi di tshwanetse ho tiisa hore metse e fumanamelemo e phahameng ka ho fetisisa lenaneong la yona. Mmuso o tshwanetse ho tiisa hore lenaneo le sisintsweng ke mokgatlo wa motse ke lenaneo le molemo haholo la ho etsa moruo ka ho sebedisa mehlodi ya tlhaho.
Fana ka ditataiso bakeng sa indasteri ho sebedisa dihlahiswa tsa mehlodi ya tlhaho. Tsela e nngwe eo metse e ka etsang tjhelete ka yona ke ka ho hirisetsa kgwebo ya praevete ditokelo tsa ho sebedisa mehlodi ya tlhaho le boiphihlelo. Mmuso o tshwanetse ho sebedisana haufi haholo le diyuniti tse leng teng tse hlophisang ntshetsopele ya dikgwebo tse thehilweng metseng.
Le se ke la...
Le se ke la lebella hore mekgatlo ya metse e tla latela mehato e tlwaelehileng ya leano la kgwebo le botsamaisi ba projeke. Empa ho e na le hoo, tiisang hore ditene tsa motheo tsa ho haha botsamaisi ba projeke di behilwe hantle le ho dumella ntshetsopele e mafolo-folo, e tenyetsehang ya bohlophisi ba ho tsamaisa projeke.
Le se ke la lebella hore mananeo wohle a tla sebetsa ka tsela e tshwanang- ditataiso di tshwanetse ho ba le teka-tekano pakeng tsa ho dumella sebaka sa ho tenyetseha le ho tiisa hore ho na le tumellano ya mehopolo e tshwanang,.melao e tshwanang, le tshebediso e tshwanang ya mantswe.
Le se ke la sheba projeke ka nngwe jwaloka projeke e ikemetseng e nnotshi, jwaloka pakane e le nngwe e fihlellwang. Ho e na le hoo, projeke ka nngwe ya CBNRM ke karolo ya lenaneo le tswelang pele la CBNRM mmusong wa ditereke, diprofensi le naheng.
Thuso e tswang ka ntle e fanwa ho thusa diprojeke tsa metse.
Tiisang hore ho na le bohlophisi bo tswelang pele ba boleng bo phahameng. Boholo ba mananeo a CBNRM a hloka mohlophisi ya nang le tsebo ya ho sebetsa le baahi ba motse, mehatong e qalang ya lenaneo empa le ka nako e telele. Sena se ka fanwa ka 'mosebedisani' ya jwaloka NGO, moeletsi kapa lefapha mmuso. Bahlophisi bana ba tshwanetse ho nahanela ditso tsa batho ba motse le ho bontsha tlhompho bakeng sa tsebo le boiphihlelo ba baahi ba motse.
Hahang tjhebelopele ya nako e tlang ya baahi ba motse. Mohlophisi o sebetsa hammoho le mokgatlo wa motse ho haha tjhebelopele ena e tshwanang mabapi le seo motse o batlang ho se fihlella. Ba dumellana ka hore na ba tla fihlella jwang tjhebelopele ena-hore ba tla latela lenaneo lefe.
Tiisang hore ho na nako ya ho haha ho tshepana pakeng tsa batho bohle ba amehang.
Batho ba sa tsebeng ho bala le ho ho ngola ba tshwanetse ho kgona ho ba le seabo.
Baahi ba motse le NGO ya motse.
ba sebetsa haufi-ufi kapa mokgatlo wa ntshetsopele o utlwisisang motse le o nang le boiphihlelo ba ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ya sebaka seo. Bahlophisi ba abelana le bona tsebo le bokgoni. Ba kgothalletsa baahi ba motse hore ba fane ka boiphihlelo le kutlwisiso ya bona.
Metse ya Mahaeng.
Sebedisa dithuso tse ngata tsa ho bona kamoo ho ka kgonehang. Dimmapa, divideo, difoto le diketelo tsa dibaka ke dintho tsa bohlokwa bakeng sa e mong le e mong, e seng feela batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola.
Elang hloko haholo dipuo tse sa tshwaneng le ditso. Motho e mong le e mong o tshwanetse ho ikutlwa a lokolohile ho ntsha maikutlo a hao ka puo ya hae, mme mabakeng a mangata sena se tla hloka phetolelo.
Ho se be le motho kapa sehlopha se ikutlwang se se bohlokwa jwaloka sehlopha se seng. Hlokomelang hore batho ba se ikutlwe ba phahametse ba bang kapa ba le banyenyane. Mohlophisi ya rupetsweng o tla tseba kamoo a ka etsang hore e mong le e mong a ikutlwe a amohelwa ka ho lekanang le ho nkwa a le bohlokwa.
Bahlophisi ba tshwanetse ho bopa maqhama pakeng tsa dihlopha le batho ka bomong. Bahlophisi ha se feela bakwetlisi. Ba ka thusa dihlopha tse sa tshwaneng le batho ho utlwisisana le ho sebedisana hammoho.
Nehang batho ba motse monyetla wa hore e be bahlophisi.
Karolo y a bahlophisi e bohlokwa haholo mme ba tshwanetse ho dula projekeng ka nako e telele kamoo ho hlokahalang.
Leha ho le jwalo, ka letsatsi le leng bahlophisi ba tshwanetse ho fihlella ntlha eo ba ikgulang ka hobane jwale motse o kgona ho hlokomela ditaba tsa wona ntle ho thuso ya bohlophisi e tswang ka ntle-sena ke sona sepheo sa lenaneo.
batho. Ka mohlala, batho ba motse ba tshwanetse ho kgona ho hlophisa le ho tsamaisa diboka tsa bona tsa dikomiti tseo e leng karolo e tlatsa le dihlopha tse sebetsang.
Ho arolelana boiphihlelo le bahlophisi ba sebetsang dibakeng tse ding. Bahlophisi ba tshwanetse ho arolelana boiphihlelo ba bona mananeong a CBNRM le dibaka tse ding-mathata a mangata ao ba nang le ona ke a tlwaelehileng mananeong kaofela.
Itokisetseng ho dula le amehile lenaneong ka nako e telele-empa le tshwanetse ho tseba hore na ke neng le tshwanetseng ho tsamaya. Mohlophisi o tshwanetse ho dula lenaneong ka nako e telele kamoo ho hlokahalang. Ho bohlokwa ka ho kgethehileng ho ba le bohlophisi bo sebetsang hantle nakong eo melemo ya lenaneo e qalang ho arolelanwa-ke nakong eo mathata a atisang ho qala. Mofuta wa bohlophisi bona o tla fetoha ka mora nako, ha batho ba motse ba ntse ba fumana tsebo, ba qala ho itshepa le ho bokella boiphihlelo ba ho hlokomela lenaneo lena ka bobona. Beha maemo a hlakileng bakeng sa ho qeta bohlophisi-ke ho fetisetsa bohlophisi bona motseng, e seng ho fana ka bohlophisi ho ya ho ile!!
Le se ke la...
Le se ke la neha batho ditebello tse ke keng tsa phethahatswa. Ha batho ba utlwa hore ho na le menyetla ya thupello, hangata ba nahana hore sena se bolela hore ba tla fumana mesebetsi. Tiisang hore batho ba utlwisisa seo ka ho utlwahalang ba ka se lebellang lenaneong lena.
Le se ke la nahana hore baahi bohle ba motse ba nahana le ho I tshwara ka tsela e tshwanang. Metse e rarahane, e na le ditumelo tse fapaneng, ditshepo le ditlhoko. Metse e fetoha ka dinako tsohle.
Le se romele bahlophisi ba nang le tsebo dibakeng tse ding hang feela ha ba qala ho hlahisa ditholwana tsa mosebetsi wa bona. Bolokang bahlophisi ba nang tsebo mosebetsing wa bona ka nako e telele kamoo ho hlokahalang ka teng, empa e seng ka nako e telele haholo.
Le se ke la fokodisa boetapele ba motse ka ho ba le mohlophisi sebedisang taolo e ngata haholo. Empa ho e na le hoo, ka bohlophisi bo nang le kelo-hloko le ho fetisetsa tsebo le bokgoni ba lona ho ba bang, hahang boetapele ba motse.
Hlomelang boikutlo ba ho batla ho hlahella ka mahetla mabapi le batho ba pele le ba batjha ba nkang marapo a taolo. Ha matla le taolo di fetisetswa sehlopheng se setjha sa batho-jwaloka baeletsi ba motse kapa batsamaisi ba mananeo a CBO-ka dinako tsohle ho na le kotsi ya ho batla ho hlahella ka mahetla sehlopheng se setjha se nkileng marapo ho tla qala ho bonahala. Ba ka sebedisa boemo bona bo botjha ba matla bakeng sa ho ithuisa. Boemo ba le dipheo tsa baetapele ba motse bo tshwanetse ho utlwisiswa ka mokgwa o hlakileng pele boemo bo jwalo bo sebediswa.
Sebedisang molao wa motheo ho qoba ntwa ya ho nka marapo. Etsang bonnete ba hore ditokelo le mesebetsi e ngotswe ka mokgwa o hlakaileng melaong ya motheo ya makgotla a sa tshwaneng a hlokometseng mananeo.
Tiisang hore baemedi ba metse ke batho ba tshwanelehang le hore ha se batho ba ipehileng boemong boo.
ba motse ba nang le tshusumetso e kgolo, baetapele ba setso le baholo ba motse, ka mohlala, ba itlama ho tiisa hore motho e mong le mong o una melemo ka mokgwa o tshwanang le ba bang kamoo ho ka kgonehang.
ba di emelang. Baemedi ba tshwanetse ho fuwa nako ya ho etsa sena.
Tiisang hore dihlopha kaofela di na le boemedi. Mekgatlo ya metse e tshwanetse ho emela dihlopha tsohle tse fapaneng tsa motse oo.
Ho sebetsana le dithahasello tse lwantshanang.
Tiisa hore motho e mong le e mong o elellwa dintho tsa batlwang le tse hlokwang ke baahi ba motse. Dipakane tsa sehlopha se seng ha di tshwanela ho ba bohlokwa ho feta tsa sehlopha se seng.
Nehang batho ba motse ditokelo tse matla haholo tsa molao mabapi le mehlodi ena ya bona e le hore hore ba ka sebedisa melao ena ho sireletsa mehlodi ya bona ya tlhaho kgahlanong le batho ba tswang ka ntle.
Tiisang hore ditsamaiso tse nepahetseng tsa kgwebo di a latelwa. Batsamaisi ba kgwebo ba sa tshepahaleng ke tshokelo e mpe haholo tlhokomelong ya mehlodi ya tlhaho. Ka ho tlwaelehileng batho ba jwalo ba fetoha batho ba nang le matla a mangata, hangata ba hlokomoloha melao ya motse le ditaolo, mme hangata ba ka senya mananeo a motse. Ditsamaiso tse nepahetseng tsa kgwebo, jwaloka mananeo a dithendara, a tshwanetse ho sebediswa ka dinako tsohle e le hore ditshebetso tsohle di ka etswa ntle ho leeme le ka molao.
Baetapele ba motse ba tshwanetse ho tiisa hore ba etsa boiteko bo bong le bo bong ho tiisa hore batho ba nang le matlaho feta ba bang motseng ha ba laole lenaneo lena.
Utlwisisang boetapele ba motse le ho tiisa hore le bo sebetsa hantle. E le hore le utlwisise hore na ke bo-mang ba na le matla a taolo motseng, le dipolotiki tsa motse, etsang diphuputso mabapi le nalane ya motse oo. Ka tsela ena le ka sebedisa hamolemo haholo boetaepele ba motse.
Le se ke la...
Le se ke la nahana hore metse ya mahaeng e na le boithati bo fokolang kapa hore e kopane ho feta metse e meng.
boetapele bo ka fanwa ka mefuta e ngata e fapaneng-lekang ho utlwisisa hore boetapele boo bo sebetsa jwang sebakeng seo mme le sebedisane le boetapele boo ka mokgwa o akarelletsang kamoo le ka kgonang.
Le se ke la nka mahlakoreng ditsekong tsa matla. Dipolotiki tsa motse di ka fetoha ka motsotso mme metswalle ya lona kajeno e ka fetoha dira tsa lona hosane.
Le se ke la ya le kgonwana hodimo ha le bona tjheseho le bonngwe ba motse tshimolohong-sena se ka fetoha ha mmila o puta. E bang le maikutlo a hore lenaneo lena le tla nka nako e telele.
Ka dinako tsohle mananeo a CBNRM a kenyelletsa diphephetso. Diphephetso tse ding di tlwaelehile haholo mananeong wohle a CBNRM.
Projeke e nngwe le e nngwe ya CBNRM e fapane le e nngwe. Hore o ile wasebetsa projekeng ya CBNRM nakong e fetileng ha ho bolele hore o ka etsa dintho ka tsena e tshwanang nakong ena. Itokisetseng ho ithuta ho tswa boiphihlelong ba lona le ho etsa diphetoho ha ho hlokahala.
Ditataiso tse ngotsweng bukeng ena e mpa feela e le tataiso. Ka hobane projeke e nngwe le e nngwe e fapane, le tshwanetse ho itokisetsa ho fetola ditataiso tsena hore di tshwanele projeke ya lona. Ithaopeleng ho leka le ho etsa diphetoho moo ho hlokahalang. Empa le tiiseng hore le hlalosa ka ho hlakileng lebaka leo le etsang seo le se etsang. Qobang ho ferekanya batho.
Lebellang hore dikgohlano di ka tsoha. Mananeo a ho nka karolo le CBNRM ka dinako tse ding ke phetoho e kgolo haholo, ka lebaka leo le se makale ha ho hlaha dikgohlano. Empa le leke ho nahanela pele mathata a ka bang teng ka ho beha mananeo ana leihlo le ho leka ho thibela mathata a jwalo. Le se ke la tshwenyeha haholo haeba dikgohlano di hlaha leha le entse tsena. Sena se tlwaelehile. Ho tshoha le ho makala ke karolo ya tshebetso ena.
E bang sedi ho hlokomela matla a taolo motseng. CBNRM e mabapi le ho tshwara batho bohle ka tsela e lekanang. Batho ba bang ba nang le matla a maholo a taolo ba ka nna ba se thabele tshwaro e lekanang. Sena se ka baka kgohlano. Ka dinako tse ding sena se ke ke sa qojwa empa leka ho qoba boemo bona haeba o ka kgoneha.
Ho ka nna ya ba le ho hloleha ho itseng ha lenaneo le mathata ka dinako tse ding projekeng. Dinako tse jwalo phephetso ke ho boloka e mong le e mong a na le maikutlo a matle le ho sebeletsa ho hlola bothata bona.
E bang sedi ho hlokomela 'matla a ho nyahama'. Ha ntho e itseng e sa tsamaye hantle karolo e le nngwe ya projeke, boikitlaetso bohle le matla a projeke a ka lebiswa bothateng bona. Sena se ka bolela hore dikarolo tse ding tse atlehileng tsa projeke ena di a hlokomolohuwa. Lekang ho boloka dikarolo tse atlehileng tsa projeke di tswela pele ha ka nako eo le leka ho rarolla mathata.
Ka tlhaho batho 'ha ba rate phetoho', mme hangata ha ba rate mehopolo e metjha kapa ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho. Le se ke la makala haeba ho nka nako e telele hore mehopolo e metjha e amohelwe, kapa esita le ho se amohelwe ho hang. Kenyelletsa sena leanong la lona-e bang le ditsela tsa ho sebetsana le ho hana ha batho phetoho.
Itokisetseng ho amohela ho tshwauwa diphoso, esita le haeba ho hlile ho se na mabaka a ho tshwauwa diphoso jwalo.
Batho ba sebetsang diprojekeng tsa CBNRM hangata ba amohela dihlaloso tse sa lokang le ho tshwauwa diphoso ka mokgwa o se nang toka, hangata dihlaloso tse jwalo di etswa ke batho ba sa amaneng ho hang le projeke. Ho tshwauwa diphoso tjena ho ka utlwisisa bohloko ka sebele. Le ka senya nako e ngata haholo le matla o leka ho sebetsana le ho tshwauwa diphoso hona. Amohelang nnete ya hore sena se tla etsahala, mme le se dumelle hore ho tshwauwa diphoso ho jwalo ho senye mosebetsi o motle oo le o entseng le mosebetsi o etswang ka ba bang. Empa, ka dinako tse ding, ho tshwauwa diphoso hona ho ka be ho nepahetse!!! Haeba ho le jwalo, mamelang, ithuteng, ho ithaopola ho amohela diphoso tse entsweng.
Ditataiso tsena tse 10 tse sebetsang di tla thusa e mong le e mong ya amehang projekeng ya CBNRM-ditho tsa motse, batsamaisi ba mmuso ba motse, bahlophisi ba NGO, baetsi ba dipholisi ba mmuso. Mona ho fanwe ka dinotlolo tse ding tsa bohlokwa haholo bakeng sa projeke e atlehang ya CBNRM.
Ikemisetseng ho arolelana taolo le boikarabelo. CBNRM e thehilwe tabeng ya ho kenyelletsa batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang motseng hore ba hlokomele mehlodi ya tlhaho. Hopolang hore CBNRM ke ya motse, e seng motho ya itseng kapa komiti. Sena se bolela ho kenyelletsa baahi ba motse ha ho etswa diqeto. Hape e bolela ho fetisetsa matla a taolo le boikarabelo bathong ba sebetsang lenaneong lena. Ho neha batho mesebetsi le boikarabelo ho ka nna ha bolela hore ka dinako tse ding dintho di ka nna tsa se sebetse. Ho latela leano le entsweng-ka ho kgethehileng haeba batho bao ba se na ditsebo tse kgethehileng. Ka lebaka leo kwetliso e bohlokwa haholo le kgothatso e bohlokwa.
Ho hlokomela projeke ya motse, e nang le batho ba bangata ba amehang, ka dinako tse ding ho ka ferekanya batho ba tlwaetseng ho laola dintho ka ho phethahetseng. Itokisetseng ho ithuta ditsela tse ntjha tsa ho hlokomela batho. Hopolang, leha ho le jwalo, hore ho kena ha lona diprojekeng tsena ho etswa ka boithaopoy-ha ho motho ya tshwanetseng ho ikutlwa a qobeletswe ho kena mananeong ana haeba a sa batle. Kgothalletsa ho nka karolo-le se leke ho qobella batho.
Behang leihlo le ho hlahloba lenaneo ka dinako tsohle. Ka dinako tsohle ho hlokahala hore le tsebe haeba projeke ya lona ya CBNRM e sebetsa hantle. Ho fihlella sena projeke ya lona e tshwanetse ho ba le dipakane tse hlakileng-leano le bontshang ka ho hlakileng seo le batlang ho se fihlella le kamoo le rerang ho fihlella tsena. Hape leano la lona le tshwanetse ho ba le tsamaiso ya ho hlahloba ka dinako hore lenaneo la lona le ntse le le motjheng. Haeba ho na le mathata ka projeke, ho hlokahala hore le tsebe ka wona kapele kamoo ho ka kgonehang, e le hore le ka nka mehato ya ho lokisa mathata ao. Ho beha lenaneo leihlo le ho hlahloba kamoo le tswelang pele ka teng ke dithulusi tsa ho hlahloba tswelopele ya projeke le ho qolla mathata. Ena ke tsebo eo batho ba leng projekeng ena ho hlokahalang hore ba be le yona. Mohlomong ho ka thusa hore mosebetsi-mmoho wa lona wa NGO a thuse ka sena.
Bolokang ba le leseding, mamelang seo ba se bolelang. Ka dinako tsohle e tshwanetse ho boloka batho ba le leseding mabapi le projeke, le ho utlwa maikutlo a bona. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa sena- dibokeng tsa ka mehla, ditlaleho tsa ho fana ka dikarabo dipotsong tse ileng tsa botswa, mananeo a thupello, mangolong le diphoustareng, le meqoqong ya botswalle ha le kopana lebenkeleng la motse. Ntho ya bohlokwa ke ho boloka e mong le e mong a le leseding le ho dumella batho hore ba etse tlatsetso ya bona.
Itokisetseng ho ithuta ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho.
Ho hlokomela projete motseng wa mahaeng ha ho tshwanetse ho hlokomela khamphani e kgolo motseng o moholo, kapa lefapha le leholo la mmuso. Dintho di ka fapana mona! Projeke ena ke ya motse mme baahi ba motse ke bona ba etsang diqeto tse ngata. Itokisetseng diketsahalo tse sa lebellwang le dintho tse makatsang tseo mohlomong le ke keng la kgona ho di laola. Ho hlokahala hore le be le ditsebo le bokgoni bo fapaneng ba ho kgothalletsa baahi ba motse ba sebetse hammoho le ho itokisetsa ho ithuta, le ho leka ditsela tse ntjha.
Ka dinako tsohle le sebedise tsebo e ntle ya mosebetsi le ho itihela ka setotswana. Diprojeke tsa motse di lokela ho kgona ho etsa dintho ka tsela tse ntjha kapa tse fapaneng. Empa ka dinako tsohle ho hlokahala boitayo le boinehelo. Tsena di lokela ho kenyelletsa dintho tse jwaloka ho beha melao le ho e latela, ho dumellana ka molao wa boitshwaro o bontshang kamoo batho ba tshwaneng ho itshwara ka teng dibokeng, kamoo ba tshwanetseng ho etsa mesebetsi ya bona le hore ho tshwanetse ho etsahala eng haeba ba sa boloke melao eo. Ka dinako tsohle batho ba tshwanetse ho etsa seo ba bolelang hore ba tla se etsa. Sena se bolela ho tsamaisa diboka hantle, ho boloka ditlaleho le ho romela ditlaleho ha di hlokahala.
Le se ke la dumella batho ho sebedisa projeke ena mabakeng a bona a boithati. Ho bokella batho ba sa tshwaneng hammoho hore ba sebetse hammoho bakeng sa sepheo se tshwanang ha ho bonolo ho hang! Batho ba ka itshwara ka tsela e tletseng boithati, ka ho kgethehileng haeba tjhelete le melemo e lebelletsweng (ho nka karolo lenaneong la thupello, ho kena maetong, jl) e kenyelletswa! Lekang ho tiisa hore batho ka bomong kapa dihlopha ba di sebedise projeke ena ho iketelletsa pele-projeke ena e molemong wa bahii ba motse.
E bang le mamello, empa le kgothalletse boinehelo le boikitlaetso. Ho etsa hore baahi ba motse ba sebetse hammoho e ka nna ya ba lenaneo le nkang nako e telele le le tsamayang butle. Batshehetsi ba tjhelete le mekgatlo ya mmuso e tshwanetse ho utlwisisa hore ho theha mokgatlo wa motse le ho qadisa diprojeke ke lenaneo le tsamayang butle mme hape ho thata. Ho ka nna ha nka dilemo tse ngata. E mong le e mong o tshwanetse ho dula a inehetse le ho fana ka tshehetso ha feela e ntse e hlokahala. Le se ikgule projekeng haeba ho nyolosetsa! Ka nako e tshwanang, le se mamelle boitshwaro bo sa lokang bo ka kgelosang projeke kapa bo ka bakang ditieho tse sa hlokahaleng. Le ka lebella hore batho ba itshware ka tsela e bontshang boitayo le boinehelo haeba lona ka bolona le beha mohlala.
Hlomphang ditumelo le ditso tsa batho ba motse. Hlomphang histori ya batho, bodumedi le ditso tse fapaneng le meetlo. Baahi ba motse ba na le ditsela tsa bona tsa ho etsa dintho mme ditsela tsena di molemo jwaloka ditsela dife kapa dife tse ding. Lekang ka hohle ho utlwisisa ditsela tsa motse tsa ho etsa dintho. Hlomphang boetapele ba motse. Haeba ho hlokahala hore le etse diphetoho, etsang bonnete ba hore le hlaha batho bana leseding-le se ke la leka ho qobella batho ho etsa dintho ka tsela eo le batlang ho etsa dintho ka yona!
Hahang boikutlo ba ho tshepana pakeng tsa batho le ho sebetsa ka matla ho boloka boikutlo bona.
Hahang baetapele le bo-mmampodi ba lenaneo la CBNRM. Atolosang boikarabelo le ho bula menyetla bakeng sa baetapele ba holang.
Metse ena ke dihlopha tsa batho ba phelang sebakeng se tshwanang le ba sebedisang mobu wa motse ooo le mehlodi ya moo ho iphedisa. Batho bana ke bona ba tla haha mokgatlo wa CBNRM le ho haha projeke ya CBNRM ya ho sireletsa mehlodi ya moo le ho ntlafatsa bophelo ba batho. Ditataiso tsena ke tsa lona.
Hlokomelang mehlodi ya tlhaho. Ntle ho mobu, metsi, difate, dimela le diphoofolo, ho ke ke ha ba le lenaneo la CBNRM. E le hore ho sireletswe mehlodi ena ho hlokahala leano leo e mong le e mong a dumellanang le lona. Leano le lokela ho bontsha kamoo mehlodi ena e lokelang ho sebediswa ka teng. Leano le tshwanetse ho kenyelletsa ditsela tsa ho ntlafatsa bophelo ba batho.
Sebetsang le batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang. Dihlopha tsohle tse thahasellang motseng di tshwanetse ho kenyelletswa projekeng ya CBNRM-ka ho kgethehileng batho bao ka dinako tse ding ba hlokomolohuwang, jwaloka basadi, batjha, le batho ba dikobo-di-mahetleng. Elang hloko hore le dumelle hore dihlopha dife kapa dife tse matla kapa batho ba kwetele projeke ena bakeng sa merero ya bona.
Sebedisang mokgatlo o matla le wa nnete ho emela batho ba motse. Baahi ba motse ba tshwanetse ho theha mokgatlo o hlokomelang projeke ya CBNRM. Haeba ho na le mokgatlo o tiileng wa motse o ka etsang sena-Trust ya Ntsahetsopele -le ka sebedisa mokgatlo ona. Haeba ho se jwalo, ho tla hlokahala hore le thehe mokgatlo o motjha wa CBNRM. Mokgatlo o tshwanetse ho ba le batho ba tswang dihlopheng tse fapaneng tsa motse. Batho ba leng mokgatlong ona e tshwanetse hore e be batho ba tshepahalang, ba ka tshepjwang le ba sebetsang ka thata. Ba tshwanetse ho etella pele projeke bakeng sa molemo wa baahi bohle ba motse. Moo ho kgonehang, kenyelletsang Baeletsi ba mmuso le batsamaisi ba mmuso projekeng ena-karolo ya bona ke ya bohlokwa.
Behang ka ho hlakileng seo projeke e tla etsetsa baahi ba motse. Etsang bonnete ba hore e mong le e mong o dumellana le seo projeke e tla se etsa. Behang dipakane tse hlakileng tseo e mong le e mong a di utlwisisang le ho dumellana le tsona. Tiisang hore dipakane tsena di ka fihlellwa-le se ke la leka ho etsa mehlolo. Tiisang hore basebetsi-mmoho kaofela ba tswang ka ntle- jwaloka basebetsi-mmoho ba mmuso, di-NGO le kgwebo ya praevete- ba utlwisisa dipakane tsa lona.
Behang ka ho hlakileng mefuta e fapaneng ya melemo. Melemo e meng e tla hlaha kapele-pele. Melemo e meng e ka nka dilemo tse ngata ho fihlellwa. Batho ba bangata ba tla thahasella haholo melemo ya kapele-pele, le ya nako e kgutshwanyane-ka ho kgethehileng melemo ya tjhelete. Empa ho bohlokwa ho hlalosetsa motho e mong le e mong ka ho hlakileng hore melemo ya nako e telele e tla ba efeng.
ho fumana tokelo ya ho ba beng ba mobu le ho sebedisa ditokelo tsa mobu le mehlodi ya moo ho sireletsa mobu ditshokelong tse tswang ka ntle ho fihlella dikadimo tsa tjhelete ho matlafatsa makgabane a setso le a moya le a meetlo.
Ho ke ke ha ba bonolo ho fumana melemo ena-ho tla bolela boikitlaetso bo boholo bo etswang ke mokgatlo le motse.
CBNRM e ke ke ya rarolla mathata kaofela a baahi ba motse. CBNRM e ka tlisa melemo e mangata-ngata bakeng sa motse, empa e ke ke ya rarolla mathata kaofela. Ka mohlala, e ke ke ya neha motho e mong le e mong mosebetsi. Motho e mong le e mong o tshwanetse ho utlwisisa sena ka ho hlaka-ho seng jwalo ba tla ikutlwa ba swetsitswe. CBNRM e mpa e le e nngwe ya ditsela tsa ho thusa ho rarolla mathata ana. Batho ba tshwanetse ho tswela pele ba etsa mesebetsi ya bona jwaloka mehleng. Ka mora nako e telele, diprojeke tsa CBNRM di tla hlahisa mesebetsi e itseng e metjha.
Batho ba bang ba tla fana ka tlatsetso e fetang ya ba bang -mme ba tshwanetse ho putswa ka ho loketseng. Ditho tse ding tsa motse di tla etsa mosebetsi o mongata ho feta ba bang projekeng ena mme ba tshwanetse ho putswa ka ho loketseng bakeng sa sena. Hape, ka hobane CBNRM e tla tlisa diphetoho tseleng eo batho ba phelang ka yona, batho ba bang ba ka lahlehelwa ke moputso o itseng wa bona. Ka mohlala, ho ka etsahala hore batho ba se kgone ho tshwasa dihlapi tse ngata lewatleng, kapa ho rema patsi e ngata morung. Batho bana ba tshwanetse ho fuwa ditlhapiso-mohlomong ka hore ba sebetse projekeng. Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o utlwisisa taba ena ho tloha sethathong-ho seng jwalo ho ka nna ha ba le kgohlano hamorao.
Lebellang hore dikgohlano. Sehlopheng sefe kapa sefe sa batho, haholo-holo haeba ho ameha tjhelete kapa melemo e itseng, kapa haeba ho behilwe melao e bontshang hore na ke mehlodi e meng eo batho ba ka e sebedisang, ho tla ba le kgohlano pakeng tsa batho. Itokisetseng dikgohlano tse jwalo, le ho leka ho sebetsana le tsona pele di fetoha bothata bo boholo haholo. Hlahang batho leseding ka dinako tsohle le ho mamela dingongoreho tsa bona le mathata. Sebedisanang le batho ka toka.
Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o tseba o tseba mesebetsi boikarabelo ba hae. Tshwarang diboka ka mehla ho tiisa hore e mong le e mong o tseba seo a tlamehang ho se etsa. Molaong wa lona wa motheo, ke bontshe ka ho hlaka hore mesebetsi le boikarabelo ba motho e mong le e mong ke bofeng.
Bolokang motho e mong le e mong a le leseding. Ka dinako tsohle ho tshwanetse hore ho be le puisano e ntle pakeng tsa e mong le e mong ya amehang, bobedi ka hare ho motse le basebetsi-mmoho ba leng ka ntle ho motse. Sena se ka etswa dibokeng tsa ka mehla le dinako tseo ho fanwang ka ditlaleho tsa dipotso tse ileng tsa botswa, mananeong a thupello, mangolong le ditsebisong tsa batho bohle-le esita le dipuisanong tsa letsatsi le letsatsi le batho ba bang. Bolellang batho hore ho etsahalang le ho mamela maikutlo a bona le mehopolo. Sena se tla le thusa ho sebetsana le mathata pele a hola ho ba dikgohlano tse kgolo.
Tsebang batho hore ba bopa karolo ya motse wa lefatshe lohle. Mananeo a CBNRM a ntshetswa pele lefatsheng kaofela, e seng feela motseng wa lona. Bolellang batho hore mosebetsi-mmoho le lona wa NGO o tla kgona ho le nea lesedi le batsi. Batho ba tshwanetse ho tseba ka melao le dipholisi tsa Afrika Borwa tse amang CBNRM, le ditumellano tseo mmuso wa Afrika Borwa o di saeneng le motse wa matjhaba. Ditumellano tsena di bolela hore Maafrika Borwa a tla sebetsa hore a sireletse mehlodi ya tlhaho le ho ntlafatsa bophelo ba batho ba sebedisang mehlodi ena.
Ditsebi tsena ke batho ba sebetsang diprojekeng tsa CBNRM ka mehla mme di na le ditsebo le bokgoni ba ho thusa ho theha diprojeke tsa CBNRM. Ditsebi tsena di kenyelletsa batho ba sebetsang ho di-NGO, mekgatlong ya batshehetsi ba tjhelete, bafuputsi le batsamaisi mafapheng a mmuso ba amehang mananeong a CBNRM. Mosebetsi wa bona ke ho thusa metse hore e thehe le ho tsamaisa diprojeke tsa CBNRM-ho di hlophisa. Ditataiso tsena ke tsa lona ka ho kgethehileng.
Ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa. Metse e na le ditsela tse ngata le tse fapaneng tsa ho iphedisa ho tsa mobung wa tsona le mehloding ya tlhaho. Sena se bohlokwa-se bontsha hore dinakong tsa qomatsi metse ena e ke ke ya itshetlela feela ka ditsela tse mmalwa ho kgahlanyetsa ditlhoko tsa motheo tsa bohlokwa. Le tshwanetse ho etsa bonnete ba hore batho ba tswela pele ba na le ditsela tse sa tshwaneng tseo ba ka tswelang pele ba iphedisa ka tsona. Projeke ya CBNRM e tshwanetse ho phaella menyetla e metjha bakeng sa batho.
Ho beha leihlo le ho hlokomela hore mehlodi ena ya tlhaho ka hloko. 'Setshehetso sa mehlodi ya tlhaho' -mobu, metsi, dimela le diphoofolo-ke kgubu ya projeke ya CBNRM. Haeba setshehetso sena se qheletswa, ho ke ke ha ba le mananeo a CBNRM. Pele projeke efe kapa efe ya CBNRM e qadiswa, ho hlokahala lesedi la nnete, le nepahetseng mabapi le setshehetso sena sa mehlodi ya tlhaho le kamoo mehlodi ena e sebediswang ka teng (hore ho sebediswa eng, le hore e sebedisetswa eng, le hore e sebediswa ke bo-mang, hore ba sebedisa boholo bo bokae ba mehlodi ena le hore e sebediswa kgafetsa hakae). Hape ho hlokahala hore ho tsejwe tlhahiso ya mehlodi ena mabapi le tshehetso ya bophelo sebakeng seo-hore ke mehlodi e mekae e ka sebediswang pele ho fihlellwa tekanyo eo tsamaiso ya mehlodi ena e senngwang.
Etsang leano la botsamaisi le ho hopola hore batho ba motse ke bona ba phethahatsang karolo e leng setsing kapa ya bohlokwa leanong lena mme ba tshwanetse ho kenyelletswa ho tloha sethathong. Qalang ka leano le bonolo le thehilweng motseng, behang melao le ho etsa molao wa motheo, mme le hahe hodimo dintho tsena. Fumanang keletso ya setsebi empa le tiise hore leano le fihlella ditlhoko tsa baahi ba motse. Rerang hore le tjhelete e itseng e amohelwang diprojekeng tsa CBNRM e kgutliswe bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho. Boiphihlelo bo bontsha hore tjhelete e amohelwang e fihlang ho 10% to 20% hangata le lekane. Palo ya nnete ya tjhelete e tla fapana ho ya ka mehlodi ena le ka diprojeke.
Lemohang hore projeke e nngwe le e nngwe ya CBNRM e fapane le e nngwe. Ha se ka mehla le ka sebedisang seo le se sebedisitseng projekeng e nngwe ya CBNRM projekeng e nngwe e fapaneng. Utlwisisang maemo a motse le ho fetola katamelo ya bohlophisi ba lenaneo ka ho loketseng. Batho ba motse ba na le ditsela tsa bona tsa ho etsa dintho-hlomphang sena le ho ithuta kamoo le ka sebedisang seo. Behang melao bakeng sa motse le melao ya boitshwaro eo batho ba dumellanang le yona. Mme ka nako e tshwanang, le tsebe dipholisi le maano a naha, profensi le lehae le sebedisa molemong wa lona. Ha ho na moralo wa molao bakeng sa CBNRM. Sebedisang dithuto tseo le bileng le tsona nakong e fetileng, mme le hlahlobe dithuto tsena ka mehla.
Hahang mokgatlo wa motse. Baahi ba motse ke bona beng ba lenaneo la CBNRM. Mokgatlo wa CBNRM wa motse o tshwanetse ho tsamaisa le ho etsa diqeto. Haeba o kgoneha, sebedisang mokgatlo leng teng. Empa haeba ho se na mokgatlo o tshwanelehang, o tiileng wa motse, le tshwanetse ho theha mokgatlo o motjha wa CBNRM. Karolo e nngwe ya sehlooho ya lona ke haha tsebo-ho thusa mokgatlo wa motse ka tshehetso le ho kwetliso hore o phethahatse mesebetsi ya wona. Tshehetso ya lona e tshwanetse ho tswela pele ha feela ho ntse ho hlokahala hore le hahe mokgatlo o matla wa motse o ka atlehang ho hlokomela projeke ya CBNRM.
Tiisang hore lenaneo la CBNRM le tlisa melemo ya sebele, hona jwale le hamorao, bakeng sa baahi ba motse. Melemo ya CBNRM baahing ba motse e tshwanetse hore bonyane e lekane le ditjeo tse akarelletswang tsa ho tsamaisa lenaneo la CBNRM. Baahi ba motse ba na le bophelo bo maphathe-phathe, mme phepelo ya mobu e leqeme. Ba ke ba ba ithaopela ho fana ka mobu wa bona habonolo hammoho le nako ya bona bakeng sa CBNRM ntle le haeba ho na le melemo e totobetseng bakeng sa bona. Tiisang hore diprojeke tsohle tsa CBNRM le na le leano le nepahetseng la kgwebo le monyetla o motle wa ho atleha. Sena se kenyelletsa ho tiisa hore ho na le mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang kapa ditshebeletso tse fanwang ke diprojeke tsa CBNRM. Leano le tshwanetse ho kenyelletsa tlhahlobo ya boleng ba thepa- thepa ya boleng bo fokolang e ke ke ya rekwa!
Sebedisang bahlophisi ba nang le tsebo le batshehetsi ba bang le baeletsi bao le ka ba tshepang mohato o mong le o mong. Sepheo ke hore baahi ba motse ba tsamaisi projeke ena ya CBNRM ntle ho bohlophisi le tshehetso e tswang ka ntle, empa ho fihlella sena ho tla nka nako e telele haholo. Maemong a mang, ditshebeletso tse kgethehileng (jwaloka ho batla dimmaraka) ho ka fanwa ka dinako tsohle ke mosebetsi-mmoho ya tswang ka ntle. Sena se etswa maemong a mangata a kgwebo. Moo ho kgonehang le kenyelletse baahi ba motse ba nang le ditsebo le bokgoni mme moo ho se nang batho ba motse ba nang le tsebo e jwalo, rerang hore le fetisetse ho baahi ba motse ditsebo tse hlokahalang kapele kamoo ho ka etsahalang.
Etsang bonnete ba hore batho ba tshwanelehang ba kenyelletswa lenaneong la CBNRM. Kenyelletsang batho ba nang le ditsebo, ba nang le mafolo-folo le bokgoni ba ho sebedisana hantle le batho ba bang. Batho bana e tshwanetse ho "bo-mmampodi" kapa baetapele bakeng sa mosebetsi o mong le o mong projekeng ena. Ho tshwanetse ho ba jwalo mabapi le mokgatlo wa motse le basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle jwaloka mafapha a mmuso le di-NGO. Moo ho kgonehang, hahang baetapele ba motse- nehang batho ba se nang boiphihlelo boikarabelo le kwetliso le tshehetso eo ba e hlokang.
Lebellang kgohlano le ntwa ya ho nka marapo a taolo, kenyelletsang sena leanong la lona ho tloha qalong. Motse o mong le o mong o na le dintwa tsa wona tsa ho nka marapo a taolo. Le tshwanetse ho utlwisisa matla a dipolotiki a sebaka seo e le hore le ka sebetsana le dikgohlano dife kapa dife ha di hlaha. Le ka lebella dikgohlano mohatong ofe kapa ofe wa lenaneo la CBNRM empa ka ho kgethehileng ha lenaneo lena le qala ho hlahisa melemo ya lona. Leanong la lona, nahanelang dikarolo tseo ho ka hlahang kgohlano ho tsona mme leanong la lona le kenyelletse tsela ya ho hlokomela kgohlano eo le ditsela tsa tharollo tseo e mong le e mong a dumelang. ho di sebedisa.
Hahang ditumellano le basebetsi-mmoho ba ka ntle le ho sebetsa ka thata ho hlokomela ditumellano tsena. Sebetsang le mekgatlo e meng ya mmuso le mafapha a praevete, mme le bulele mekgatlo ena monyetla. Etsang bonnete ba hore mekgatlo ena e una melemo ka ho sebetsa le lona, empa le hlokomele hore sena se se bake mathata a matjha. Haeba basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle ba ameha dikarolong tse kgolo tsa projeke, jwaloka ho bokella mehlodi ena, sebetsang haufi-ufi le bona ho hlokomela ho beha mesebetsi ya bona leihlo le ho bontsha baahi ba metse kamoo ba tshwanetseng ho sebedisana le basebetsi-mmoho bana.
Etsang bajete e ka fihlellwang. Mananeo a CBNRM a kenyelletsa botsamaisi bo kopanetsweng. Botsamaisi bo kopanetsweng bo tla bitsa ditjeo tse eketsehileng, bo nka nako e telele, ho feta feela botsamaisi bo tlwaelehileng. Ke hobane ho hlokahala nako le tjhelete e eketsehileng ho etsa hore ho nka karolo le tshebedisano di sebetse. Empa ke tsela e atlehang ka mora nako e telele, haholo-holo diprojekeng tsa motse. Le tshwanetse ho tiisa hore bajete ya lona e kenyelletsa tjhelete e eketsehileng ya ditjeo.
Le se kwetle lesedi le hlokahalang le ho bua nnete. Sebedisang nako e ngata dipuisanong mme haeba ho na le ho se utlwane, lekang ho fumana ditharollo tse tshepahalang le tse ka sebetsang bakeng sa e mong le e mong. Empa le se ke la ba le pelo e bonolo bakeng sa dihlopha tse lekang ho qobella dithahasello tsa tsona. Ho tloha fatshe feela hlalosetsang e mong le e mong projeke ena ka mokgwa o hlakileng. Kgothalletsang dipuisano tse sa kwetleng lesedi ka bohlokwa, ho dumellwe dipotso le dipuisano ka dinako tsohle. Etsang bonnete ba hore tlatsetso ya motho e mong le e mong e ya nahanelwa leanong la nakong e tlang.
Baetsi ba dipholisi ke batho ba leng mmusong ba etsang melao le dipholisi tse amang mananeo a CBNRM. Ditataiso tsena ke tsa lona.
Kenyelletsang metse le ho amohela dikatamelo tse ntjha. Kenyelletsang metse ho tloha qalong ya ho etswa ha pholisi. Ka hobane ke bona bao qetellong e leng basebedisi le basireletsi ba mehlodi ena ya tlhaho. Moo ho kgonehang, kenyelletsa tsebo ya motse le ya moetlo ha le etsa dipholisi tsena. Ikemisetseng ho etsa diphetoho dipholisi haeba boiphihlelo bo fanwang ke metse bo bontsha hore diphetoho tse jwalo di a hlokahala.
Ditokomane tsa pholisi di lokela ho ba bonolo ho utlwisiswa mme ho be bonolo ho fihlella ditokomane tsena. Etsang bonnete ba hore dipholisi tsena di ngotswe ka dipuo e hlakileng. Dikopi tsa ditokomane tsa pholisi di tshwanetse ho fumaneha bakeng sa e mong le e mong ya amehang projekeng ya CBNRM. Moo ho kgonehang, fetolelang ditokomane tsena ka dipuo tsa batho ba metse eo.
Dipholisi tsa naha le tsa profensi di tshwanetse ho fana ka mabaka bakeng sa melao ya motse. Ho bohlokwa ka ho kgethehileng hore diprojeke tsa CBNRM di hokahanngwe le di-IDP tsa motse le tsa setereke, ka hobane IDP e kopanya boikitlaetso bohle ba ntshetsopele ya motse. IDP ba nahanela melao le dipholisi tsa naha le tsa diprofensi le mananeo. Ka lebaka lena, mmasepala wa motse o tshwanetse ho sebetsa haufi-ufi le lenaneo la motse la CBNRM. Ka ho tlwaelehileng lekgotla la motse le tshwanetse ho theha komiti ya CBNRM ka sehlopha se sebetsang hore se sebetse le mokgatlo wa motse wa CBNRM. Ho fihlella sena, dumellang monyetla bakeng sa batho ba motse hore ba etse melao ya bona, ba sebedisa tsebo le ditso tsa motse.
Ikemisetseng hore qetellong le fetisetse matla a taolo ho basebedisi ba mehlodi ena. Hang ha lenaneo la CBNRM le entswe mme le sebetsa, mme ho na le tsebo le kwetliso e hlokahalang, matla a ho tsamaisa mehlodi ena ya tlhaho a tshwanetse ho fetisetswa lenaneong lena. Nehang batho tshireletso ya nako e telele le ditokelo tsa mehlodi ena le mobu. Batho ba tshwanetse ho tseba hore ditokelo tsa bona tsa mobu le mehlodi ena ya tlhaho di sireletsehile pele ba fana ka nako le tjhelete ya bona botsamaising ba mehlodi ya bona tsa tlhaho.
Kenyelletsang motho e mong le e mong ya amehang lenaneong la CBNRM. Motho e mong le e mong ya angwang ke botsamaisi ba mehlodi ya tlhaho ya motse ba tshwanetse ho kenyelletswa projekeng ya CBNRM. Ho kenyelletswa baetapele ba moetlo dibakeng tseo ba nang le tshusumetso ho tsona.
Lefapha le leng le le leng le tshwanetse ho tiisa hore melao, dipholisi le ditumellano tsa motse di a bolokwa le ho latelwa. Mafapha a tshwanetse ho beha leihlo mananeo a CBNRM ho etsa bonnete ba hore melao le dipholisi di a latelwa. Hape ba tshwanetse ho beha leihlo batsamaisi ba mafapha ho etsa bonnete ba hore ba etsa mesebetsi ya bona hantle.
Pholisi tsena di tshwanetse ho ba le matla a ho fana ka kotlo. Difaene tse loketseng le dikotlo di tshwanetse ho fanwa ha melao e tlolwa. Dikotlo di tshwanetse ho eketswa bakeng sa ditlolo tse phetwang. Batsamaisi ba sebetsang le metse ba tshwanetse ho dumellwa ho sebedisa kahlolo ya bona e molemo ha ba sebedisa molao. Lemohang hore boemo ka bong bo fapane.
Behang maemo a hlakileng bakeng sa ho fetiswa ha matla a taolo. Baahi ba motse ba tshwanetse ho tseba seo ba tshwanetseng ho se etsa e le hore ba fuwe matla a ho tsamaisa mehlodi ya tlhaho. Maemo ana a kenyelletsa: ho kgetha bolaodi bo tsa hlokomela lenaneo lena; ho theha lekgotla la molao le jwaloka Trust, Communal Property Association kapa khamphani ya Karolo 21; ho bontsha hore ba na le tsebo le bokgoni bo hlokahalang ba botsamaisi, le hore ba na le tsamaiso e sebetsang ya ho beha lenaneo lena leihlo. Thuso ya tsebo ya mosebetsi e tswang ka ntle e tshwanetse ho fanwa e le hore metse e ka fihlella maemo ana.
Haha tsebo ya mosebetsi. Lemohang le ho sebedisa ka ho feletseng metjha e leng teng e fanang ka tshehetso ya ditjhelete kwetliso e hlokahalang e ka fuwang basebedisi ba motse ba mehlodi ena e le hore ba hlokomele mehloding ya ya bona ya tlhaho. Nakong eo le etsang leano la lona tiisang hore le aba ditjhelete bakeng sa dithupello tse tshwanetseng. Thupello ena e ka hlokahala le bakeng sa batsamaisi ba motse ba mmasepala e le hore ba ka fana ka tshehetso e hlokahalang lenaneong la CBNRM.
Heletsang dithibelo pakeng tsa mafapha. Lefapha ka leng kapa lekgotla le tshwanetse ho tseba ka ho hlakileng karolo ya lona lenaneong la CBNRM. E le hore ho hokahanngwe mesebetsi ya mafapha e amanang le mananeo a CBNRM, diforamo tsa banka-karolo tsa bangata di tshwanetse ho thewa mme ho be le baemedi ho tswa ho banka-karolo kaofela ba baholo. Diforamo tsena kapa dikomiti di ka thewa bakeng sa diprojeke kapa mananeo a kgethehileng feela le ho emiswa ka mora ho fihlella dipakane tsa lenaneo kapa projeke eo.
Fumanang lesedi le nepahetseng pele le saena ditumellano tsa molao. Pele mafapha a mmuso a saena ditumellano bakeng sa diprojeke tsa CBNRM, a tshwanetse ho etsa bonnete ba hore diprojeke tsena di ka ikemela ditjheleteng le hore ka nnete di tla hlahisa melemo tshireletsong ya mehlodi ya tlhaho. Le tshwanetse ho tiisa hore ka nnete projeke eo ke mofuta wa projeke wa CBNRM.
Tiisang hore e tla ba bonolo bakeng sa metse ho una melemo lenaneong la CBNRM. Mmuso o ka nka mehato e tiisang hore metse e nolofallwa ho fumana tjhelete ka mananeo ana a CBNRM. Ka mohlala, thepa e ka rekiswang e ka romelwa metseng e meng; metse e ka fuwa tumello ya ho fana ka mangolo a tumello kapa ho hirisetsa dihlopha tse tswang ka ntle (jwaloka dikgwebo tsa praevete) tshebediso ya mehlodi ena ya tlhaho tlasa maemo a itseng. Behang leihlo tshebediso ya molao le tshehetso e tswelang pele ya ditumellano tse jwalo pakeng tsa metse le dikgwebo tsa praevete.
Ho matlafatsa makgabane a setso le a moya.
Di-NGO le di-CBO tse ngata di ile tsa nka karolo puisanong tsa mananeo a diboka tsa dithupello le ho tlatsetsa ditataisong tsena. Tse ding tsa tsona di thathamisitswe mona ka tlase. Ho ka ikopangwa le IUCN bakeng sa dintlha tsa banka-karolo ba bang.
<fn>sot_Article_National Language Services_Ditshebeletso tsa mmu.txt</fn>
Sepheo sa Kgoro ke ho lokisetsa mohlodi o le mong wa tsebo ka ditshebeletso tsa mmuso tse hlophisitsweng ho ya ka ditlhoko tsa baahi?
<fn>sot_Article_National Language Services_E BA LE LENTSWE.txt</fn>
Bukana ena ya tataiso e tswetswe ke mananeo a mangata le mesebetsi e entsweng ke Lefapha la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae (dplg), Selekane sa Australia le Afrika Borwa sa Puso ya Selehae (ASALGP) le Boemedi ba German ba Koporasi ya Thekeniki (GTZ) mme e rerile ho matlafatsa demokerasi ya seabo le puso ya bomasepala ba Afrika Borwa.
Masepala wa Selehae wa Matjhabeng le dikomiti tsa diwoto tse welang tlasa taolo ya teng o fane ka boitsebelo ba bohlokwa le thuto eo bukana ena e bopilweng ka bona. Moeletsi wa Australia, Mof. Pauline Peel, o sebedisane le Mohlanka wa Kgokahano ya tswang Masepaleng enwa, monghadi George Moahloli, le Sepikara sa Masepala monghadi TV Matsepe, nakong ya dibeke tse 10 ho fumana hore ke dintho dife tse tla eketsa seabo sa setjhaba ka ho sebedisa dikomiti tsa diwoto. Ditho tsa komiti tsa diwoto ka botsona di ile tsa ba le kamano le dikahare le moralo wa bukana ena ya tataiso.
Re lekatsa ho lebohela le Lenaneo la Matlafatso ya Puso ya Selehae la GTZ ka ho etsa hore ho be le bukana ena ya tataiso.
Ha re ne re kenya tshebetsong mokgwa o motjha wa puso ya selehae ka 2000, re ile ra hlahisa hantle ntho ena e le karolo ya mmuso e hlonngweng hantle ho fana ka moelelo le ho phethahatsa boitlamo ba mantlha ba dipolotiki, ntlheng ya hore Batho ba tla busa. Re itse ho batho ba habo rona, ka puso ya selehae, ha mmoho le wena, re tla tlisa demokerasi moo o phelang teng. Ka kgopolo ya rona ya puso ya selehae, re ile ra e beha boemong bo hodimo ba tharollo ya diphephetso tsa mantlha tsa naha tse kang tsa tswelopele e tlase, tlhokeho ya mesebetsi, ho ema nqa e le nngwe le bofutsana.
Dikomiti tsa diwoto tse sa tswa thehwa botjha tsa masepala di na le seabo sa bohlokwa katlehisong ya se boletsweng ka hodimo. Jwalo ka sebopeho se nang le matla a boemedi ba setjhaba le baahi, dibopeho tsena di hloka ho tsebisa masepala ka ditabatabelo, menyetla le mathata a batho. Di lokela le ho bopa borokgo dipakeng tsa ho theha kgokahano e phethahetseng dipakeng tsa khansele le baahi. Molao wa puso ya selehae o etsa monyetla wa motheo wa dikomiti tsa diwoto tse tla sebetsa jwalo ka lehokela le emetseng tsela ya rona ya puso letshweleng la batho. Komiti tsa diwoto di na le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya bohlokwa le ntlheng ya ho tsepamisa tsela ya tshebetso ya masepala, e jwalo ka Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, ditekanyetso tsa ditjhelete tsa masepala le ditsela tsa taolo ya tshebetso ya masepala. Ntle le tsona, mokgwa wa rona wa puso ya demokerasi le ntshetso pele ya puso ya selehae ho ke ke ha thwe o thehilwe bathong.
Dikomiti tsa diwoto di thehilwe diwotong tse fetang 80%. Dikomiti tsena tsa diwoto di na le matla a fapafapaneng a tshebetso. Ka ho tsepamisa maikutlo boemong ba tshebetso ya dikomiti tsena tsa diwoto ha mmoho le mosebetsing wa ho theha tekano ya dikomiti tse setseng, re tla be re otlollela melemo ya boahi palong e kgolwanyane ya batho ba habo rona.
Bukana ena ya tataiso e reretswe ho fana ka dikeletso tsa bohlokwa, le maele ha mmoho le tataiso ya tsamaiso ya dikomiti tsa diwoto. Dikomiti di tla kgona ho ba le kabelo e kgolwanyane diqetong tsa khansele haeba dikomiti tsena di sebetsa hantle ho feta.
Ofisi le Lefapha la Diprovense ha mmoho le Puso ya Selehae e lakatsa ho ananela tshehetso ya Selekane sa Australia le Afrika Borwa sa Puso ya Selehae (ASLGP) le Boemedi ba Germany ba Tshebedisano ya Thekeniki (GTZ) ka ho etsa hore ho be le buka ena ya bohlokwa le e hlokwang haholo.
Karolo ya 1?
Mohato wa 8 Ho hlophisetsa kopano ya pele ya komiti ya woto?
Mohato wa 17 Moralo wa Ntshetsopele e Kopanetsweng ke eng?
Karolo ya 4?
Foromo ya ho thonya?
Re lokela ho buisana ka tsela e tshwanang ka letoto le batsi la ditlha tsa bohlokwa tse qoholehileng tse kang ho ntlafatsa ditshebeletso le ho matlafatsa mmuso wa selehae, ho kenyeletswa ha Dikomiti tsa Diwoto.
Dikomiti tsena, tseo ditho tsa tsona e leng basebetsi ba tlwaelehileng feela, di na le seabo sa bohlokwa ntlheng ya ho netefatsa kgokahano e hlokehang dipakeng tsa batho le institjhushene tsa rona tsa mmuso?
Ntlha ya bohlokwa ka ho ikgetha mabapi le sena ke taba ya hore re tiise hore Dikomiti tsa Diwoto tsa mmuso wa selehae di kopana kgafetsa le hore di etsa mosebetsi oo di o reretsweng.?
Bukana ena e fana ka dikeletso tsa bohlokwa, dikgopolo tse ka phethahatswang le tataiso ya ho tsamaisa dikomiti tsa diwoto.
Baahi ba tla kgona ho ba le seabo ho feta mosebetsing wa Dikhansele sa ho etsa diqeto haeba dikomiti tsa diwoto di sebetsa hantle. Ka hoo, bukana ena e tla qetella e thusitse ho eketsa seabo sa baahi diqetong tse etswang ke dikhansele le bomasepala. Bukana ena e radilwe hore e thuse ditho tsa khansele le tsa dikomiti tsa diwoto ka lethathama la mehato eo ba ka e nkang ha ba sebetsa dikomiting tsa bona tsa diwoto.
Puo ya Mopresidente Thabo Mbeki, ha a ne a bula Kopano ya komiti e Bohareng ya COSATU ya bo-3, Ekurhuleni, 15 Phato 2005.
Puo ya Mopresidente Thabo Mbeki, mabapi le Voutu ya Bajete ya Ofisi ya Mopresidente, Lekgotleng la Setjhaba, Cape Town, ka la 23 Phupjane 2004.
Bukana ena e reretswe ditho tsa dikhansele le tsa dikomiti tsa diwoto ho ba thusa ka lethathama la mehato eo ba ka e nkang ha ba sebetsa dikomiting tsa diwoto tsa bona.
Dikomiti tsa diwoto ke mokgwa o hlwahlwa wa ho fihlela e meng ya merero ya mmuso wa selehae o tswelang pele o boletsweng Molaong wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996.
Ho kgothaletsa kameho ya baahi le mekgatlo ya baahi ditabeng tsa mmuso wa selehae?
Bukana ena e lokela ho balwa ha mmoho le ditlhoko tse loketseng tsa molao, Tataiso ya Naha ya Motheo wa Tshebetso ya Dikomiti tsa Diwoto tsa Masepala ya 2005 le Buka ya Mohlodi wa Dikomiti tsa Diwoto tsa Naha (dplg and GTZ 2005).
Temoso: O kopuwa hore ka dinako tsohle o nkele hloohong dinnete tsa masepala wa heno le woto ya heno ha o sebedisa mehopolo ena le dikeletso tsena tseo ho fanweng ka tsona Bukaneng ena. Mehopolo e meng e hlalositsweng mona e ka nna ya hloka hore e fetolwe pele kapa e lokiswe hore e kgone ho nyalana le boemo bo ikgethang ba masepala le woto ya heno.
Lenaneo la tekolo ke lena la dikotwana tsa bohlokwa haholo tsa molao oo o tla hloka hore o utlwisise e le hore o tle o tsebe seo o loketseng ho se etsa jwalo ka setho sa komiti ya woto. Melao ena ha mmoho le ditataiso tsena e tla o thusa ho utlwisisa mefuta ya dintho tseo dikomiti tsa diwoto di ka di etsang ho thusa baahi le dikhansele tsa bona.
Ho o thusa ho lemoha tseo o di badileng, di tshwaye ha o qeta ho di bala.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 Kgaolo ya 7 Karolong ya 152 Maikemisetso a mmuso wa selehae. Mona o tla bolellwa ka maikemisetso a mmuso wa selehae?
Mmuso wa selehae: Molao wa Dibopeho tsa Masepala, wa 1998 Karolo ya 73 le ya 74. Mona o tla fumana melao le melawana e mabapi le ho thehwa ha dikomiti tsa diwoto?
Mmuso wa selehae: Molao wa Ditsela tsa Masepala wa 2000. Kotwana sena sa molao se o bolella ka menyetla ya mofuta wa seabo seo baahi ba ka se lebellang ho bomasepala.
Tataiso ya Naha ya Motheo wa Tshebetso ya Dikomiti tsa Diwoto tsa Masepala ya 2005. Tokomane ena e tswile ho fana ka dintlha tse mothamo ho feta ka ho thehwa le ho tsamaiswa ha dikomiti tsa diwoto.
Tshisinyo e ile ya fetiswa ke Masepala ya ho hlahisa tsela ya dikomiti tsa diwoto. Sena se toboketsa boitlamo ba masepala wa heno mabapi le mokgwa wa dikomiti tsa diwoto.
Leano la Masepala la Seabo sa Setjhaba (ha eba leano le jwalo le le teng). Leano lena le tla o thusa ha mmoho le baahi ba heno ho tseba ka moo le ka hokahanang ka teng le masepala ka dintlha tsa bohlokwa tse o amang.
Keletso ya bohlokwa!
Ofisi ya Sepikara masepaleng wa heno e ka fana ka dikhopi tsa molao o lokelang ha mmoho le ditataiso tse teng.
Hang ha o fumane khopi ya tokomane e nngwe le e nngwe, o ka di kenyeletsa bukaneng ena.
Boikemisetso ba komiti ya woto ke ho matlafatsa seabo sa demokerasi mmusong wa selehae?
Dikomiti tsa Diwoto ke tsela e nngwe ya ho ba le lentswe diqetong tsa mmuso.
di hlahise dintlha tse ngongorehisang tsa woto ya selehae ho khanselara ya woto.
di be le lentswe ha ho etswa diqeto, ho etswe meralo le merero ya diprojeke tseo khansele kapa masepala e di etsang ebile di tla ba le tshusumetso wotong ya hae.
Khanselara ya woto ke modulasetulo wa komiti ya woto, mme ka hoo ke setho sa bohlokwa sa komiti. Setho sa lekgotla kapa khanselara seo eleng moemedi ho latela boemedi ba papiso o abetswe ke khansele kapa ke lekgotla hore a phethe seabo sa ho tshehetsa molekgotla kapa khanselera ya woto wotong eo.
Dikomiti tsa woto ho eketsa seabo baahi ba sebaka seo ha ho etswa diqeto tsa masepala, hobane ke lehokela le otlolohileng le le ikgethang la lekgotla kapa la khansele.
ke baemedi ba woto ya sebaka seo, mme ha ba na tshekamelo ya dipolotiki ba lokela ho ikamanya le ditaba tse kang Tsela ya Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng, tsamaiso ya tshebetso ya masepala, ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo le selemo, merero ya diprojeke tsa lekgotla kapa khansele ha mmoho le mesebetsi e meng ya bohlokwa ha mmoho le mananeo hobane tsena tsohle di na le tshusumetso bathong ba sebaka seo.
di kgona ho tsebahala le ho qala merero ya diprojeke ho ntlafatsa bophelo ba batho ba woto eo.
di ka tshehetsa setho sa lekgotla kapa khanselara tharollong ya qabang, ka ho fana ka lesedi le mabapi le tshebetso ya masepala di ka hlokomela tshebetso ya masepala le ho hlahisa dintlha tse amang woto ya sebaka seo di ka thusa matsholo a temoso ya setjhaba mohlala, matlakala, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, tefo ya ditefello le ditjeo, jwalo ka ha ditho di tseba batho ba sebaka seo le ditlhoko tsa bona.
Hopola hore setho sa lekgotla kapa khanselara ya woto se lokela ho tlisa tekano dipakeng tsa ditebello tsa woto ya hae le ditebello tsa mokga wa sona wa dipolotiki. Ketso ena e thatafatsa seabo sena. Ke ntlha ya bohlokwa hore o utlwisise sena, le hore o utlwisise hantle seabo sa setho sa woto sa lekgotla kapa khanselara e le hore o kgone ho sebetsa tsela e hlwahlwa ho feta ya ho ba le lentswe komiting ena. Haeba seabo sa setho sa woto sa lekgotla kapa khanselara se sa hlaka hantle, o tla qoba tlhodisano e sa hlokeheng le motho eo ha mmoho le diqabang tse ka qhomang.
Khanselara ya boemedi ba tekano e abetswe woto mme e nehelana ka tshehetso ho khanselara ya woto ditabeng tse amanang le woto le komiti ya woto. Khanselara ya boemedi ba tekano e ka sebetsana le dipotso le ditletlebo ka ditherisano le khanselara ya woto.
Khanselara ya boemedi ba tekano e lokela ho ba teng dikopanong tsa komiti, dikopanong tsa lebatowa le dikopanong tse ikgethang e ka thusa ho rarolla diqabang le ho di fetisetsa pele e ka thusa ka ho phethahatsa merero ya bohlokwa e tshehetsa khanselara ya woto, empa ha e nkele khanselara ya woto sebaka.
Potso: Na khanselara ya woto e ka fa khanselara ya boemedi ba tekano mosebetsi wa ho ba Modulasetulo bosiyong ba khanselara ya woto?
Karabo: E ho jwalo khanselara ya woto e ka kopa khanselara ya boemedi ba tekano ka ho mo ngolla lengolo hore a tshware bodulasetulo ba kopano e itseng ha yena a le siyo. Ha ho na ditlhapiso tsa molao tsa motlatsi wa modulasetulo tse etseditsweng monyetla ho latela molao?
Ditho tsa komiti ya woto di kgethwa ke woto ho emela maikutlo a batho. Di na le seabo sa bohlokwa kahare ho setjhaba.
ho thusa khanselara ya woto ho tshwara ditherisano le batho bao eleng baamehi ntlheng e itseng, le ho sebedisana le balekane setjhabeng molemong wa tshebetso ya komiti ya woto ho amana le diketsahalo setjhabeng mohlala, ho ba teng diphupung tsa mafu le mesebetsing ya botjhaba. Sena ke sa bohlokwa hobane se bontsha ho tsotella setjhaba le ho utlwisisa ditaba tsa setjhaba.
Potso : Na ho na le thupelo efe kapa efe e teng ya ditho tsa komiti ya woto le dikhanselara tsa woto?
Karabo: E ho jwalo. Masepala wa heno o lokela ho fana ka thupelo ya ho tjhorisa ditho kaofela tsa komiti ya woto le ho thusa ka tlhophiso ya thupelo, ho kenyeletswa mahlale a tsebo ya bongodi, ho ngolwa ha tleleho, tharollo ya diqabang, boetapele, tshebetso ya masepala le ditekanyetso tsa ditjhelete.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ikarabella mekgeng ya dipolotiki?
Karabo: Tjhe. Dikomiti tsa diwoto di ikemetse mme ha di laolwe ke mekga ya dipolotiki. Molao o eme jwalo. Dikomiti tsa diwoto di reretswe setjhaba sa heno se batsi, eseng mokga o le mong wa dipolotiki.
Potso: Na diqeto tse etswang ke dikomiti tsa diwoto di tlama Khansele kapa lekgotla?
Karabo: Tjhe. Diqeto tse etswang ke komiti tsa diwoto ha di tlame khansele ka molao ha mmoho le masepala. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la boitlamo ba seabo sa setjhaba, maikutlo a dikomiti tsa diwoto a tla sekehelwa tsebe haholo.
Potso: Na ditho tsa komiti ya woto di lefellwa ditshebeletso tsa bona?
Karabo: Tjhe. Ha ho na ditshebeletso tse lefellwang empa ditjeo tse utlwahalang tse bang teng, tse tshwanang le tsa dipalangwang le tsa phepo, di lokela ho lefuwa.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ka leba ho masepala ka ho otloloha ho ya hlahisa dingongoreho tsa tsona?
Karabo: Tjhe. Ditaba tse hlahisitsweng ke komiti ya woto di latela motjha wa khanselara ya woto mme khanselara ena e tla hlahisa ditaba tsena ofising ya Sepikara.
Potso: Ho etsahalang ha khanselara ya woto e sa tsebise ofisi ya Sepikara ka seo komiti ya woto e batlang hore ba tsebe ka sona?
Karabo: Moo ho leng tjena, komiti ya woto e ka nna ya etsa qeto ya ho buwa le ofisi ya Sepikara ka ho otloloha ka taba ya kgaello ya tshehetso e tswang ho khanselara ya woto. Sepikara se tla buisana le khanselara ya woto ka sena le ho netefatsa hore khanselara ya woto e utlwisisa boikarabelo ba yona ba ho beha Sepikara leseding le hore se arabele ditlhoko tsa komiti ya woto.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto ke yona feela tsela ya hore setjhaba se be le lentswe diqetong tse etswang ke khansele kapa lekgotla?
Karabo: Tjhe: Ho tla ba le menyetla e meng hape e kang dikopano tsa moo setjhaba e hlahisang maikutlo teng ka dintlha tse fapafapaneng, jwalo ka ditaba tse amanang le ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo. Dikomiti tsa diwoto di lokela ho netefatsa hore baahi ba woto ba lemohile taba ya menyetla ena.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ka amana le mesebetsi e tshwanang le dipotso le ditletlebo kapa diqabang kahare ho setjhaba?
Karabo: E ho jwalo. Komiti tsa diwoto di ka ba le seabo sa bohlokwa ho thusa khanselara ya woto hore ho rarollwe diqabang, kapa ho arajwe dipotso hobane ditho tsa komiti ya diwoto ka dinako tse ding di na le kutlwisiso e tebileng ya ditaba tsa setjhaba.
Ofisi ya Sepikara e na le seabo mona ha mmoho le khanselara ya woto. Ke boikarabelo ba khanselara ya woto ho bitsa dikopano moo ho kgethwang ditho tsa komiti ya woto. Kopano ena e bitswa kopano ya lebatowa constituecy meeting. Ofisi ya Sepikara e tla tsamaisa dikgetho ho netefatsa hore di ikemetse ka botsona?
Komiti tsa diwoto di ka ba le ditho tse fihlang ho 10. Lenane la tekolo ya dintho ke lena ha ho etswa ditlhophiseletso tsa dikgetho tsa ditho tsa komiti ya woto.
Temoso: Pele o tswela pele ho bitsa pitso ya moo ho tla kgethwa ditho tsa komiti ya woto, o lokela hore o bale Molao wa Mmuso wa Selehae wa Dibopeho tsa Masepala, wa 1998 le Tataiso tsa Naha tsa Dikomiti tsa Diwoto, tsa 2005 hobane ditokomane tsena ka bobedi ba tsona di na le ditaba tse ngata tse mabapi le tsela ya tshebetso ya dikgetho. Buka ya Mohlodi wa Naha wa Komiti ya Woto (dplg le GTZ 2005) e tla fana ka mehopolo e ka thusang mabapi le tsela ya ka moo ho ka kenwang tshebetsong ya dikgetho kapa ya ho thonya.
Khanselara tsa woto di lokela ho sebetsa le ofisi ya Sepikara ho tsepamisa matsatsi a loketseng a ho tshwara kopano ya moo ho tla kgethwa ditho tsa komiti ya woto ho tsepamisa letsatsi, nako le sebaka sa kopano ya lebatowa ho etsa bonnete ba hore setjhaba se tla kgona ho fihla sebakeng sa kopano, mohlala, ho ka hlokeha transporoto bakeng sa batho ba bang. Ho seng jwalo, a batle sebaka se haufi bakeng sa bohle. Hape a nahane ka batho ba kulang kapa ba sa itekanelang; hore na batho bohle ba tla kgona ho fihlela sebaka seo na?
ho netefatsa hore ho hlophisitswe ditulo bakeng sa kopano e ikgethang ya batho ba tsofetseng ho tsebisa bohle (ba lebatoweng le) ka letsatsi, nako, sebaka le sepheo sa kopano: nahana ka ho beha ditsebiso laebrari, tliliniking, le dikolong, o phatlalatse tsebiso ena koranteng ya sebaka seo, le ho sebedisa tshebeletso ya ditsebiso tsa setjhaba seteisheneng sa radio sa sebaka seo. Ofisi ya Sepikara e lokela ho etsa monyetla wa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa papatso ena.
netefatsa hore khanselara ya woto e utlwisisa tsela ya tsamaiso ya dikgetho e latelwang ke masepala dikgethong. Ofisi ya Sepikara e tla tsamaisa dikgetho empa khanselara ya woto le ditho tsa komiti ba lokela ho tseba tsamaiso ho hlophiswe toloko haeba ho hlokeha.
Jwale seabo sa Ofisi ya Sepikara ke ho etsa tse latelang ho netefatsa hore ho na le rejistara ya moo ho tla ngolwa ba leng teng kopanong ena ya lebatowa le hore e saennwe hore ho tle ho lekolwe le ho hlahloba tsela ya tsamaiso ya dikgetho ho hlalosetsa kopano ka seabo le boikarabelo ba komiti tsa diwoto le ba ditho tsa teng ho hlalosa tsela ya tsamaiso ya dikgetho ho batho ba leng teng moo. Molao o etsa monyetla wa boikgethelo ba sebaka le ba karolo ya kgetho ya ditho e leng hore ditho di lokela ho emela sehlopha se itseng se nang le thahasello, mohlala batho ba batjha, kapa ditaba tsa bophelo bo botle. Komiti e lokela hore e botjwe ka ditho tse etsang 50% tseo eleng basadi. (Masepala e mong le e mong o tla beha leano la hae ho latela kgetho e entsweng).
ho kopuwa ha ditshisinyo hore ho thonngwe ditho tsa komiti le batlatsi ba ditshisinyo tsena ho bala divoutu le ho tsebisa sephetho ho netefatsa hore bathonngwa le batlatsi ba saena foromo tse loketseng ho netefatsa hore ditho tse kgethilweng tsa komiti ya woto di lemoha seabo sa tsona le boikarabelo le ho tiisa hore ba saena foromo e loketseng.
Keletso ya bohlokwa bakeng sa khaselara ya woto bitsa kopano ya pele ya komiti e sa tswa kgethwa botjha ya woto pele ditho di tswa kopanong ya lebatowa. Ho boima kamehla ho hlophisa dikopano le batho ba bangata, haholo haeba o lokela ho ikopanya le e mong le e mong wa bona. Hobaneng o sa sebedise boteng ba bona kopanong ena hore o be o se o hlophisetsa kopano e hlahlamang?
Dipotso: Na ho na le mehato e latelwang ya ho tlatsa dikgeo tse teng komiting ya woto?
Karabo: Ee. Tsela di fapana ho latela mofuta wa sekgeo se teng. Tataiso ya Naha ya Dikomiti tsa Diwoto ya 2005 kapa Mmuso wa Selehae: Molao wa Dibopeho tsa Masepala wa 1988 o qaqisa tsela ena.
Potso: Na ho na le maemo ao tlasa ona setho sa komiti ya woto se ka tloswang?
Karabo: Ee. Ha setho se ile sa e ba siyo ntle le lefi dikopanong tse tharo kapa ho feta moo tse hlahlamanang, kapa ha setho se nkile lifi empa se le siyo dikopanong tse tsheletseng kapa ho feta ka tlhahlamano, se ka nna sa ntshuwa.
Potso: Ho etsahalang haeba setho sa komiti ya woto se fetela wotong e nngwe?
Karabo: Setho se tla tshwanela ho lesa mosebetsi, hobane se lokela hore e be ke mokgethi wotong eo hore a kgone ho ba komiting eo ya woto.
Hang ha ditho kaofela tsa komiti ya woto di se di kgethilwe, di lokela ho ya thupelong ya tjhoriso. Jwalo ka Modulasetulo wa komiti, khanselara ya woto e lokela ho ba teng moo le yona. Ikopanye le ofisi ya Sepikara ho fumana hore thupelo ena ya tjhoriso ya ditho e tla tsharwa neng.
Dintho tseo o tla ithuta tsona thupelong ya tjhoriso ke tsena o tla ithuta ka molao o amanang le dikomiti tsa diwoto.
O tla tseba ka melawana e teng le ditaelo tse tla o thusa ho tseba haholwanyane ka mesebetsi ya dikomiti tsa woto.
O tla tseba ka matla le mesebetsing ya dikomiti tsa woto.
O tla tsebana le ba bang hore le tle le kgone ho bopa moifo o matla.
Mohato wa 8: Ho hlophisetsa kopano ya pele ya komiti ya woto?
Lenaneo la tekolo le reretsweng ho thusa khanselara ya woto, eo eleng modulasetulo wa komiti ya woto, ho hlophisetsa kopano ya pele. Hang ha komiti e se e ile ya kopana mme ya kgetha mongodi, motho enwa o tla thusa khanselara ho tsamaisa mosebetsi wa bodulasetulo. Ha khansele ya woto e hlophisehile hantle e na le motho ya jwalo ka modulasetulo, ho tla ba bonolo ho abela ditho tse ding tsa komiti boikarabelo le mesebetsi, mme kopano kaofela e tla tsamaya hantle ho feta.
Na o fumane le ho beheletsa sebaka se tlwaelehileng sa kopano ya komiti ya woto Hopola hore sebaka sena e lokela hore e be sebaka sa setjhaba eseng sa praevete se kang sebaka sa bodulo. Molao o tsepamisa tlhoko ena?
Na o hlophisitse moralo wa kopano ya selemo, e leng lenane la dikopano kaofela tsa selemo ha mmoho le matsatsi, dinako le dibaka Lenane lena le lokela ho kenyeletsa dikopano tsa komiti le dikopano tsa lebatowa mme ke la bohlokwa ho etsa hore ditho tsa komiti ya woto di kgone ho rala nako ya tsona bakeng sa selemo se latelang?
Na a o fumane theepa ya hao ya lesedi e tswang ofising ya Sepikara Theepa ena e lokela ho kenyeletsa ho molao le ditataisong tse amanang le tshebetso ya hao ha mmoho le ditlhoko tsa ho fana ka tlaleho le dithempleiti tsa teng, mohlala, direjistara tsa boteng ba batho?
Na o hlophistse lenaneo la ditaba tse lokelang ho tshohlwa kopanong e latelang (Tadima mehato ya 10 le 11 bakeng sa seabo sa mongodi le dikeletso tsa ho tsamaisa kopano. Thempleiti ya lenaneo la ditaba e kenyeleditswe karolong ya 4)?
Na o ile wa nahanisa letsatsi la kopano ya ho tla etsa moralo wa mesebetsi ya selemo (Tadima mohato wa 14 moo ho qaqisitsweng ka moo o lokelang ho etsa moralo wa selemo ka teng)?
Potso: Ke mefuta ya dikopano tse jwang tse tla tshwarwa ke komiti tsa diwoto?
Karabo: Ho tla ba le mefuta e meraro e meholo ya dikopano tse tla hlophiswa ke ditho tsa komiti ya woto. Dikopano tsena di tla hlophiswa ho latela tumellano le khanselara ya woto.
Dikopano tsa komiti ya woto tsena ke dikopano tse tshwarwang kgafetsa tsa ditho tsa komiti ya woto. Di lokela ho tshwarwa kgafetsa ho etsetsa hore komiti ya woto e kgona ho hlophisa hantle. Dikopano tsena di lokela ho tshwarwa bonyane makgetlo a 6 ka selemo. Ho kgothaletswa dikopano tse batlang di tshwarwa kgafetsa, jwalo ka dikopano tsa kgwedi le kgwedi, e le hore dikomiti tsa woto di fumane sebaka se lekaneng sa ho tsepamisa maikutlo dinthong tse fapaneng tseo ba lokelang ho di etsa?
Dikopano tsa lebatowa tsena ke dikopano tse dipakeng tsa khanselara ya woto le batho ba lebatowa, ke hore, baahi ba sebaka seo. Dikopano tsena di tla thusa khanselara ya woto le komiti ya woto ho utlwisisa ditlhoko tsa setjhaba. Dinako tsa dikopano tsa lebatowa di lokela hore di tsepamiswe esale nako jwalo ka moralo wa kopano ya selemo. Ena ke menyetla ya ho mema bahlanka ba masepala kapa baetapele ba dipolotiki ho tla buwa le baahi ba lebatowa ka ditaba tsa setjhaba, kapa ho fana ka lesedi la hore masepala o sebetsa jwang?
Dikopano tse ikgethang tsona di ka bitswa ha ho hlokeha, mohlala, ha ho na le ntlha ya bohlokwa e ikgethang eo setjhaba se ngongorehileng ka lebaka la yona mme se batla ho buisana le khanselara kapa masepala ka yona?
Ditho di kgethelwe maemo?
Etsa hore komiti e itsebise?
Ha mmoho le sehlopha, buang mme le dumellane ka melawana ya boitshwaro dikopanong, ho kenyeletswa le tlhokeho ya ho boloka makunutu. Ka dinako tse ding, ho tla tshohlwa ditaba tse hlokolosi haholo dikomiting tsena tsa woto. Ditho kaofela di lokela ho sebetsa le ho dumellana ka tsela e tla latelwa ho buwa ka ditaba tsena le batho ba lebatoweng lena. Ha ho hlokehe hore kamehla ho bolellwe motho e mong le e mong dintho tsohle.
Bitsa kopano ho ya etsa moralo wa selemo.
Aba dipotfoliyo mohlala, matlo, bophelo bo botle le ditaba tsa thekolohelo le phedisano, ntshetsopele ya moruo wa selehae. Potfoliyo e bolela feela boikarabelo, bo fuweng motho ya itseng, bakeng sa ho fana ka tlaleho, kutlwisiso, ho hokahana le ho sebetsana le karolo e itseng eo motho a nang le thahasello ho yona?
Mongodi wa komiti ya woto o na le mesebetsi e latelang ho hlophisa lenaneo la ditaba tseo ho tla buisanwa ka tsona mongodi o lokela ho kopa ditho tsa komiti ya woto ho fana ka nyehelo tsa bona tsa dintlha tse tla tshohlwa kopanong ho tshohla lenane la ditaba le modulasetulo ho dumellana ka dikahare pele lenane lena le romelwa ho ditho tse ding. Hopola, hore modulasetulo wa komiti ke khanselara ya woto mme motho enwa o na le qeto ya qetelo mabapi le se lokelang ho ba lenaneng la ditaba ho latela kananelo ya lenane la ditaba, ho fana ka yona ho ditho tsa komiti pele ho kopano ho ngola metsotso dikopanong kaofela tse bitsitsweng ke modulasetulo le komiti ya woto. Metsotso ke dintlha tse ngotsweng tsa se etsahetseng kopanong; di atisa ho kenyeletsa dipuisano tse ileng tsa e ba teng ntlheng e nngwe le e nngwe, diqeto tse nkilweng ke komiti, le mehato e tla etswa ho phethahatsa diqeto tsena ho netefatsa hore metsotso e fuwa ditho, le ho bolokwa le ho behwa sebakeng se bolokehileng. Hopola, metsotso ke rekoto ya molao ya kopano, ka hoo ke ya bohlokwa haholo mme e lokela ho bolokwa moo ho bolokehileng. Batho ka dinako tse ding ba kgutlela metsotsong ya dikopano ho lekola diqeto tse ileng tsa etswa?
Etsa hore mongodi a fumane lesedi le tswang bukeng ena ya tataiso mabapi le seabo sa mongodi, le hore kopano di tswamaiswa jwang, ha mmoho le khopi ya thempleiti ya lenane la ditaba.
Mohato wa 11: Tsamaiso ya kopano tsepamisa nako le sebaka sa kopano pele ho nako. Jwalo ka ha ho boletswe ka hodimo, bona ke boikarabelo ba mongodi.
Hlophisa lenane la ditaba pele ho kopano. Ona ke mosebetsi wa Modulasetulo le mongodi. (Tadima Mohato wa 10 mabapi le seabo sa mongodi).
Abela ditho tsa komiti lenane la ditaba pele ho kopano e le hore ba tsebe hore kopano e itshetlehile ditabeng dife le hore ba kgone ho etsa ditlhophiso. Ka dinako tse ding ho tla hlokeha tlaleho e ikgethang ka karolo ya potfoliyo e itseng, ka hoo haeba motho ya tshwereng potfoliyo a tseba sena, a ka rerisana le setjhaba ka dintlha le ho tlalehela komiti hantle.
Modulasetulo o tla bula kopano le ho bala lenane la ditaba ha mmoho le bohle.
Ngodisa hore ke bo mang ba leng teng.
Ngodisa ba kopileng tshwarelo ba kekeng ba kgona ho finyella kopanong. (Ditho tsa komiti di lokela hore kamehla di bolelle e mong wa ditho tsa komiti haeba di tla hloleha ho ba teng kopanong. Sena ke se tswejwang ka hore ke tshwarelo).
Bala metsotso hlahloba hore di fana ka rekoto e nepahetseng ya kopano e fetileng. Motho e mong le e mong o lokela ho dumela hore metsotso e nepahetse hobane metsotso ke rekoto ya molao ya dikopano?
Tshebetso e tswalwang ke metsetso e fetileng ntlha ena e akaretsa ditaba tse buuweng kopanong e fetileng eo ditho tsa komiti di neng di loketse ho fana ka tlaleho ho yona. Ho bonolo ho bona se bopang dintlha tse tswang metsotsong ka ho sheba mehato eo batho ba neng ba loketse ho e nka?
Mangolo ana ke mangolo a romeletsweng komiting kapa a rometsweng ke komiti. Karolo e nngwe le e nngwe ya mangolo e lokela ho ngolwa fatshe ke komiti hobane mangolo a jwalo a romelwa lebitsong la komiti?
Dintlha tse ding tsa lenane la ditaba, mohlala, IDP, ditekanyetso tsa masepala, taolo ya tshebetso ya masepala, merero ya ntshetsopele ya moruo wa sebaka seo. Setho se le seng sa komiti se lokela ho hlahisa le ho qala dipuisano. Tlaleho e ka kenyeletsa selelekela sa ntlha e itseng (ke eng, e o ama jwang, hobaneng o ameha) le hore ke mohato ofe o nkilweng le hore ke eng hape e lokelang ho etswa?
Hopola hore ke taba ya bohlokwa hore ditho tsohle tsa komiti di be le seabo kopanong. Modulasetulo ha a lokela hore a buwe a le mong feela puisanong. Seabo sa modulasetulo hantlentle ke ho tataisa ditho ho latela dintlha tse hlahang lenaneng la ditaba tse tshohlwang ka sepheo sa ho fihlella sepheo sa komiti. Modulasetulo o tshwana le motsamaisi wa sehlopha sa mmino ho feta sebini se binang se le seng.
Ka morao ho dipuisano, modulasetulo o lokela ho netefatsa hore qeto e fihletswe, mme haeba ho hlokeha, le hore ho na le motho ya fuweng boikarabelo ba ho nka bohato lebitsong la komiti.
Ka diteboho tsa Tataiso ya Tshebetso ya Diwoto e hlahisitsweng ke Mokgatlo wa Mmuso wa Selehae Free State ka November 2001.
Leka ho qeta ka nako.
O tla hloka ho ikopanya le ofisi ya Sepikara masepaleng wa heno ho fumana hantle hore ho hlokehang dife bakeng sa ha ho etswa tlaleho, ho kenyeletswa letsatsi la qetelo la ditlaleho. Ka kakaretso e tla ba kgwedi le kgwedi, mme tlaleho e tla lokela hore e fihle ka Labohlano la qetelo la kgwedi.
Ofisi ya Sepikara e ka ba le pro forma reporting moralo o entsweng bakeng sa ho etsa tlaleho. Tsela ya ho etsa tlaleho ka ho latela sebopeho sena ke mokgwa wa tataiso e ngotsweng, eo o ka e tlatsang feela ho e na le hore o lokele ho etsa sebopeho se seng sa hao. E thusa haholo hobane o a tseba hore o akareditse tsohle tse hlokehang?
Haeba ho se na foromo ya tokomane ya mofuta o jwalo, ho na le e hlahang leqepheng le latelang eo o ka e sebedisang. (Ha ho hlokehe hore o fane ka dintlha tse ngata haholo).
Dintlha tse hlahisitsweng kopanong ya komiti ya woto, ya lebatowa kapa e ikgethang?
Ditharollo tse ka bang teng le dikgothaletso?
Dintlha tse rarolotsweng?
Merero e tseleng le e qetileng?
Tse hopoletsweng nako ya dikgwedi tse tharo?
Ena ke e nngwe ya dintho tsa pele tseo komiti ya woto e ka di etsang ha mmoho. E ka thusa ho hapa moifo, le ho etsa hore o utlwisise haholwanyane ka woto ya hao.
Ho etsa profaele ya woto ke ntho e ka bang monate haholo. Moralo wa ho qala ho etsa profaele o jwalo ka ona. Hopola hore o ka bokella lesedi la mantlha hore o kgone o qala mme o nne o phaelle ho lona ha selemo se ntse se tswela pele.
O ka fumana hore batho ba nahanang ho latela dikopano tsa lebatowa, kapa dikopano tsa dihlotshwana tse nyenyane tsa batho ka nako yohle ya woto kapa phuputso e nyenyane ya baahi, kapa dipuisano le metswalle.
Ho na le metheo ya mofuta ona ya ntshetsopele ya mosebetsi?
Ho boetse ho etsahalang mona setjhabeng?
Etsa lenane la mekgatlo ya setjhaba- yona ke ya baamehi ba bohlokwa bakeng sa komiti ya woto. Baamehi ho bolelwa batho, kapa baemedi ba tswang sehlopheng, ba nang le thahasello e ikgethang kapa bao eleng ditsebi, kapa ba hlileng ba thahasellang ntho eo o e etsang komiting ya woto.
Na ho na le basabetsi ba ntshetsopele ya Setjhaba CDWs ba leng teng wotong ya hao?
Lemoha basebetsi ba ntshetsopele ya setjhaba ba teng wotong ya hao mme o kopane le bona ho bapisa dintlha tsa bohlokwa, ho kenyeletswa taba ya hore na basebetsi bana ba ntshetsopele ya setjhaba ba na le tshehetso ya tshebetso kapa ya bongodi eo ba ka nehelanang ka yona komiting ya hao ya woto.
O ka sebedisa lenane lena ho thusa ho hlophisa foramo tsa baamehi ba hao.
Potso: Hobaneng e le ntlha ya bohlokwa ho etsa profaele ya woto?
Karabo: Jwalo ka khanselara ya woto le komiti ya woto, o ka kgona ho sebetsa hantle haeba o tseba setjhaba sa hao hantle. Hopola, o moo ho emela woto ya hao. O ke ke wa kgona ho etsa sena haeba o sa tsebe hore ke batho bafe ba dulang moo, ditlhoko tsa bona ke dife le hore ditaba tsa bona ke dife, ba batla hore komiti e ba etsetse eng le hore ke meaho efe, ditsela le diphetoho dife tse ding tseo ba batlang hore di etsuwe wotong ya hao. Mona ho kenyeletswa le ho fumana tsebo e ngata ka moo ho ka kgonehang ka teng ka mekgatlo ya setjhaba le mehlodi ya selehae e kang dikgwebo tsa moo kapa dihlopha tsa dipapadi. O tla makatswa ke dintlha tseo o tla di fumana moo.
Karabo: Komiti ya woto e ka sebedisa lesedi lena bakeng sa ntshetsopele ya moralo wa yona wa selemo. O tla kgona ho etsa ditlhopiso ka mokgwa o ntlafetseng le ho kgona ho kena dipuisanong ha bonolo ka maano a khansele le mananeo kapa merero hobane o tseba ka setjhaba sa heno ho feta mang kapa mang.
Komiti ya woto e hloka hore e be le moralo wa tshebetso wa selemo o hlakisang hantle hore dintlha tseo e habileng hore e di fihlele pele ke dife le hore e batla ho fihlela eng. Ntho ena e tla thusa hore o kgone ho bona hore o fihletse seo o neng o ipehetse sona hore o tla se fihlela. E tla o thusa le ho fana ka tlaleho ho masepala, hobane o tla kgona ho fana ka tlaleho mabapi le moralo wa hao wa tshebetso.
Ke mohopolo o motle ho rera kopano e ikgethang ka potlako ka moo o ka kgonang ka teng ho ntshetsa pele moralo wa hao wa tshebetso ya selemo. Netefatsa hore moralo o a utlwahala le hore o a fihleleha.
Ha o ntshetsa pele moralo wa hao wa selemo o ka nkela hloohong tse latelang matsatsi ao masepala a tla tshwara ditherisano tseo o ka lakatsang ho kena ho tsona tse kang Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) le ditekanyetso tsa selemo dintlha tsa bohlokwa haholo tsa setjhaba Dikomiti tsa diwoto di ka etsa jwang ho thusa O ka etsa tsena neng?
Ke merero efe eo komiti ya woto e lakatsang ho e etsa Nkela hloohong dintho tse kang merero ya ntshetsopele ya moruo wa sebaka seo, thupelo ya bahlokomedi ba sebeletsang mahae Na re ka etsa merero ena le mekgatlo e meng ya setjhaba?
Ke foramong dife tsa setjhaba, mohlala, mekgatlo ya mekgatlong ya bophelo bo botle kapa ya setjhaba, moo komiti ya woto e batlang ho ba le boemedi teng?
Ke mokgatlong ofe wa setjhaba kapa mafapheng afe a masepala ao re batlang ho a mema ho tla fana ka tlhalosetso e itseng komiting ya woto kapa kopanong ya lebatowa?
Ke ditho dife tsa komiti ya woto tse lokelang hore di fuwe boikarabelo ba ho etsa mesebetsi ena?
Matsatsi ao mesebetsi ena e lokelang hore e be e phethilwe ka ona ke afe?
Mesebetsi e potlakileng ho feta kapa ya bohlokwa haholo eo re batlang hore e phethwe pele ke efe Ke mosebetsi ofe o ka boelang wa emiswa nakwana?
Moralo e be o tenyetsehang ho lekaneng mme o kgone ho fetolwa ho latela ditlhoko.
Netefatsa hore merero eo o batlang ho e etsa e hoketswe ho Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele IDP. Haeba morero wa hao o sa nyallane le Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele IDP, o ka nna wa fumana setjhaba se sa e batle, kapa masepala a sa kgone ho fana ka tshehetso hore merero eo e phethale.
Hopola moralo o lokela hore o kgone ho fihleleha. Ho molemo ho etsa dintho tse seng kae hantle ho feta ho ba le ntho tse ngata tse entsweng ka mokgwa wa hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe?
Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke morero wa tshebetso ya dipolotiki o eteletsweng pele ke Mojoro wa Phethahatso wa Motsemoholo ka Dikhanselara le ho ba le tshehetso ya tsamaiso ya bahlanka ba sebetsang. Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) hantlentle o rala hantle dintho tse fihleletsweng ke Motsemoholo le diphephetso ha mmoho le ntshetsopele ya nakong e tlang ho latela ditlhoko tsa kgwebo le tsa setjhaba papisong le ho sebeletsa batho ekasitana le ho ntshetsa pele moruo.
Karolo ya bohlokwa ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke ditherisano tse batsi le wena ha mmoho le baamehi ba bang ho netefatsa hore o ameha diqetong tsa ntshetsopele ya nakong e tlang ya Motsemoholo wa Joburg.
Letoto la dikopano tsa Woto le tsa Lebatowa di tla tshwarwa hohle Motsemoholo ho fana ka karabelo ya ka moo ditlhoko tsa baahi ha mmoho le ditabatabelo di lekanyeditsweng ditjhelete ka teng le ka moo di rerilweng ka teng ho latela merero e fapafapaneng le mananeo.
Re o kgothaletsa jwalo ka moahi wa Joburg ho kenela tshebetso ya ditherisano ka ho ba teng dikopanong tsena mme o hlahise maikutlo a hao. Ho kenela ditherisano ho tshwana le ho vouta ho netefatsa hore o a sebeletswe ho tseo o di hlokang.
Jwalo ka Motsemoholo, re dula re ikabetse ho kgothaletsa tikoloho e bolokehileng le ya bophelo bo botle., moo re kgothaletsang ntshetsopele ya moruo, thibelo ya HIV le AIDS, phokotso ya tshitiso ya motlakase le phepelo ya metsi, ho ntlafatsa mokgwa wa tefiso ya ditshebeletso, ho hlokomele hore melawana ya motsemoholo e phethahatswe le ho thusa hore matlo a be teng.
Re sebetsa ha mmoho ho o sebeletsa?
Tshehetso eo masepala a fanang ka yona e tla fapana ho latela mehlodi ya masepala e teng. Bomasepala ba bang ba na le tjhelete e ngata ho feta ba bang mme ntho ena e tla ba le tshusumetso ho tse ka fihlelwang. Ofisi ya Sepikara e ka o bolella hore ke mehlodi efe e fumanehang empa tadima lenaneo lena la tekolo le ka tlase.
Mohato wa 17: Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke eng?
Bomasepala kaofela ba hlokwa hore ba hlophise Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP). E qaqisa hantle dintho tse lokelang ho hlophiswa pele sebakneg seo. IDP e na le nako ya bophelo ba dilemo tse 5 mme e lekolwa selemo se seng le se seng. IDP e netefatsa tshebediso e ntle ya mehlodi e haellang ya masepala, e hlophisa hantle dintho tse lokelang ho etswa ka nako (mohala ho thusa dibaka tse futsanehileng ho feta), e hohela matlotlo a ditjhelete a tswang maemong a mang a mmuso, mme e matlafatsa seabo sa setjhaba.
Dikomiti tsa diwoto di ka ameha jwang ho IDP?
Baemedi ba dikomiti tsa diwoto ba ka kena Foramong ya baemedi ba Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP). Foramo ena ke monyetla wa baamehi wa ho emela ditabatabelo tsa mabatowa a bona. Foramo ena e fana ka lebala la ho dula majwana le monyetla wa dipuisano le diqeto tse nkuwang mmoho ke setjhaba le masepala, e boetse e etsa hore ho be le kgokahano le ho theha monyetla wa ho disa le hore komiti ya woto e rale le ho phethahatsa IDP.
Nka fumana khopi ya IDP jwang?
Khanselara ya woto ya hao e ka fumana khopi haeba ho se jwalo o ka ikopanya le ofisi ya motsamaisi wa masepala kapa ofisi ya Sepikara. Masepala o lokela ho fana ka thupelo e mabapi le IDP. Komiti ya woto ya hao e ka fumana dintlha tse fetang mona ofising ya Sepikara?
Ditekanyetso tsa ditjhelete ke moralo wa ditjhelete. Di hlakisa hantle mesebetsi e lokelang ho etswa selemong se hlahlamang sa ditjhelete ka ho fana ka ditshenyehelo tsa mesebesi ena le mohlodi wa moo tjhelete e tla tswa teng ho lefella ditshenyehelo tsena.
Selemo sa ditjhelete sa bomasepala ba Afrika Borwa se qala ka la 1 Phupu selemong se seng le se seng ho fihlela ka la 30 Phupjane selemong se hlahlamang. Khansele e lokela ho ananela ditekanyetso tsena tsa ditjhelete pele selemo se setjha sa ditjhelete se simolla, ka morao hoba ho rerwe hantle mme ho tshwarwe ditherisano le dikomiti tsa diwoto ha mmoho le dihlopha tsa baamehi ba bang sebakeng sa heno. Ha dikomiti tsa diwoto di ameha qetong ya hore masepala o lokela ho sebedisa tjhelete e kae le hore ke morerong efe, sena se tla bolela hore woto ya hao e ka nna ya fola molemo ka tsela e tobileng.
Nakong ya selemo kaofela ditekanyetso di behilwe leihlo ho hlokomela tjhelete e kenang le e sebediswang ya ditekanyetso. Mohlala, haeba tjhelete e kenang ya ditefello le ditefiso e le ka tlase ho e neng e hopotswe, hona ho bolela hore ho tla sebediswa tjhelete e ka tlase.
Dikomiti tsa diwoto di lokela ho fumane hore na moralo wa nako ya ditekanyetso ke ofe le hore ke dikopano dife tse tshwarwang.
Fumana hore na masepala wa hao o entse mokgwa o tla latelwa ho laola tshebetso.
Moralo: Sebetsa ka tsela e haufi haholo le khanselara ya hao ha mmoho le mekgatlo e meng ya setjhaba, ho fumana ditlhoko tse lokelang ho eteletswa pele mme o netefatse hore ditlhoko tsena di kenyeleditswe ditshisinyong tsa ditekanyetso le meralong.
Tatello le karabelo: Phehella ho fana ka ditlaleho tse etswang kgafetsa ka merero ya masepala le ditshebeletso tsa komiti ya woto le dikopanong tsa setjhaba wotong ya hao e le hore baahi ba dule ba tseba ka katleho le kapa mathata a leng teng. Etsa ditlhahiso tse hahang bakeng sa ntlafatso mme moo ho hlokehang, hlophisa setjhaba hore se thuse ho fumana hore mosebetsi o phethahatswe.
Ditekolo tsa tshebetso ya selemo le selemo: Khansele e lokela ho tlaleha kgafetsa ho dikomiti tsa woto le ho setjhaba ka ditekanyetso tsa ditjhelete tseo ba di tshwaetsweng le ditekolo tsa tshebetso, e le karolo ya dikopano tsa setjhaba. Ho feta mona, haeba komiti ya hao e sa fumane tlaleho ya khansele e etswang kgafetsa ya tshebetso, etsa hore majoro a tsebe hore komiti ya hao ya woto e lebeletse tshebetso e ntlafetseng ya puso ya demokerasi ya selehae.
Ikopanye le Ofisi ya motsamaisi wa masepala hore o fumane lenane la batho ba bohlokwa bao o ka ikopanyang le bona mme o tlatseletse bukaneng ya tataiso.
Ikopanye le Ofisi ya motsamaisi wa masepala hore o fumane lenane la merero ya bohlokwa ya batho bao o ka ikopanyang le bona mme o tlatseletse bukaneng ya tataiso.
Komiti ya woto e lokela ho fana ka tlaleho mabpi le moralo o latelang ka kgwedi. Hona ho tla thusa hore o tsebe hore o fihletse seo o se batlang moralong wa hao. Ke ntho e tla thusa Sepikara ho tseba haeba ho na le dintlha dife kapa dife tseo a hlokang ho sebetsana le tsona.
Foromo ya ho thonya?
Rona ba saenneng mona ka tlase jwalo ka bakgethi ba ngodisitsweng wotong ena mona re thonya Mong kapa Mof.
Lebitso: Tshaeno:. Letsatsi:..
Lebitso: . Tshaeno: Letsatsi:..
Nna. ya saenneng mona ka tlase, nomoro ya ka ya boitsebiso ke ..mme ke dula ..jwalo ka mokgethi ya ngodisitsweng wotong ya..
Dipampiri tse senyehileng:.
<fn>sot_Article_National Language Services_E UTSWITSWE.txt</fn>
Ke eng eo WENA o ka e etsang bakeng sa ho tsetela Afrika Borwa e bolokehileng Hana, mme o be o Tlalehe Dintho tse Utswitsweng?
Bonokwane bo kenyeletsang thepa ya boshodu, ho tjhwatlwa ha matlo, ho utswa mabenkeleng, ho phamola mekotla kapa diselfounu tsa batho ba bang le ho utswa dikoloi ho ka baka tshotleho le tahlehelo ya tjhelete e sa hlokeheng. Ho reka thepa e fumanweng ka tsela ena e seng molaong ho kgothaletsa dinokwane hore di phete diketso tseo tsa tsona.
O SE KE wa reka thepa e utswitsweng.
HANA thepa e utswitsweng.
KA MEHLA pata selfounu ya hao ha o tsamaya seterateng.
O SE KE wa tlohela selfounu ya hao e sa hlokomelwa moo ho nang le batho ba bangata.
O SE KE wa tlohela dinotlolo tsa hao di leketla lemating. Ho bonolo hore motho e mong a etse tse ding tseo a tla di sebedisa ho kena ha bonolo sebakeng seo ha morao. Ho kotsi ho tlohela dinotlolo tsa ntlo ka ntle, e ka ba ka tlasa moseme o monyako kapa pitseng ya dipalesa.
Ha o reka dintho tsa boithabiso, kgaola mabokoso a tsona o a lahlele mekotleng ya matlakala eo o tla e bofa lebokoso la sesebediswa se itseng le behilweng ka ntle le bontsha dinokwane hore ntho eo di ka e fumana ka tlung ya hao?
O SE KE wa reka thepa ya feshene e rekiswang seterateng. Bahwebi ba tshepahalang ha ba sebetse jwalo.
O SE KE wa reka diphefumo, diaparo kapa disebediswa tse ding tsa boithabiso tse theko e hodimo ka theko e tlase ho tswa bahwebing ba sa tsebahaleng.
O SE KE wa tlohela dinotlolo tsa koloi ya hao eknisheneng, le ha e be ke metsotswana e mmalwa feela.
O SE KE wa tlohela dintho tsa bohlokwa setulong sa koloi. O ka mpa wa di beha ka buthing ya koloi.
FADIMEHA ha o apere mabenyane a theko e hodimo kapa o jere sesebediswa se theko e hodimo.
O SE KE wa kenya walete ya hao ka pokothong e ka morao ya borikgwe ba hao kapa wa tlohela mokotlana wa hao o sa hlokomelwa.
Bohle ha re kwaleng mmaraka wa thepa e utswitsweng. Ke bonokwane hape bo ka fumana kotlo ya molao ho tshwana feela le ho amohela thepa e utswitsweng. HANANG LE BE LE TLALEHELE mapolesa ka thepa efe kapa efe eo le belaelang hore e utswitswe. Bohle ha re fediseng lethathama lena la bonokwane, mme re tsetele ho Afrika Borwa e bolokehileng?
<fn>sot_Article_National Language Services_FOROMO YA KOPO YA BAS.txt</fn>
Na o rata hore NAC e hokahane jwang le wena?
Bolela nako eo o hlokang thuso ya tjhelete ka yona.
Fana ka mabitso a MARARO a batho ba ikemetseng bao ho ka buuwang le bona ka wena. Bona e ka ba barupelli/matitjhere a ha jwale kapa a haufinyane tjena. O SE KE WA KENYA mabitso a ditho tsa lelapa le metswalle. HOKELA DIREFERENSE TSE NGOTSWENG MME TSE SAENNWENG kopong ena.
Ditjeo tsohle di lokela ho hlahella ka Ranta ya Afrika Borwa.
Bolela dithuso tsohle tsa ditjhelete tseo o kileng wa di fumana pejana.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng ke tsa nnete hape di nepahetse.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bopaki bo ngotsweng ba kamohelo ho tswa institjhusheneng e sisinyang diphuputso kapa morupelli wa moo mokopi a tla rupellwa teng.
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_HIVAIDS LE MOLAO WA T.txt</fn>
HIV ke sephedi se bakang AIDS. HIV e fumanwa mading le marong a mang a mmele (haholoholo a botona, marong a ntshuwang ke botshehadi, le lebese la letswele) la batho ba tshwaeditsweng ke vaerase.
AIDS ke lefu le bakwang ke tshwaetso e tswetseng pele ya HIV. Le hlaha ha boitshireletso (masole a mmele) ba motho bo fokotse ka baka la tshwaetso ya HIV, e sitisang bokgoni ba mmele ba tlhaho ba ho itwanela tshwaetsong tse ding le mafung a mang. AIDS ha se lefu le le leng, empa ke lebitso le fuweng mefuta e mengata e fapaneng ya mafu ao batho ba ka a fumanang (jwalo ka TB le nyumonia).
Tshwaetso ya HIV e ka hasana ka madi le ka maro a mang a mmele (haholoholo lero la botona, maro a tswang botshehading, le lebese la letswele) a batho ba nang le tshwaetso. O ke ke wa kgona ho bolela hore motho o tshwaeditswe ke HIV ka ho mo sheba feela.
Ho kopana ka tsa thobalano (haholoholo ka thobalano e sa sireletsehang e kenyelletsang botshehadi kapa ka morao).
ho fetiswa ho tswa ho mme ho ya leseeng ka nako ya boimana, ho beleha kapa ho nyantsha.
Boitshwaro bo bong bo beha batho kotsing ya ho kenwa ke HIV.
Ho ba le mosebetsi (o jwalo ka wa mosebeletsi wa tlhokomelo ya bophelo) o ho behang kotsing ya ho se sireletseha kgahlanong le madi kapa maro a mmele.
Ho ba le lefu le fetiswang ka thobalano (STD) hape ho eketsa kotsi ya ho fetisa kapa ho kenwa ke HIV. Mohlala, di-STD tse bakang diso di hlola sebaka seo vaerase e ka kenang ka sona mading le mmeleng.
Basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo ba lokela ho nka mehato ya tlhokomelo ka mehla.
E ka ba batho ba 40 miliyone lefatsheng lohle ba tshwaeditsweng ke HIV mme ba ka hodimo ho ba 5-miliyone ba bona ba mona Afrika Borwa. Ho lekanyetswa hore ka la 1 Phupu 2002 ho ne ho ena le batho ba etsang 6.5 miliyone mona Afrika Borwa ba phelang ba na le HIV/AIDS. Ho ba 6.5 miliyone ho lekanyetswa hore basadi ba nang le bokgoni ba ho beleha ba ka bang 3.2 miliyone (ba dilemo tse pakeng tsa 15-49) ba ne ba phela ba na le HIV/AIDS. Sehlopha sena se ile sa etsa halofo (49.5%) ya bohle ba tshwaeditsweng.
Dihlopheng tsohle tsa batho ba baholo ho bile le basadi ba fetang banna ba phelang ba na le HIV/AIDS. Tekanyo ya bong ha ya phethahala hara batjha ba dilemo tse 15-24 moo ho bileng le haufi le basadi ba bane ba tshwaeditsweng ho bapiswa le monna ka mong ya motjha ya tshwaeditsweng.
Ke ka baka lang basadi ba leng kotsing?
Mabaka a kenyelletsa sebopeho sa mmele basadi ka ho ya ka sebopeho sa mmele ya bona ba kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV ho ena le banna ka mekgwa ya ya thobalano le batho ba bong bo fapaneng le ba bona. Ho se lekalekane hwa bong ho eketsa ho se sireletsehe tshwaetsong ya HIV ho basadi le banna ka bobedi. Banna ha ba kotsing haholo ya tshwaetso ho ena le basadi, mme ke bona ba bohehang ba fetisa tshwaetso ya HIV haholo ho ena le basadi. Peto e ka eketsa ka ho toba kotsi ya hore basadi le banana ba kenwe ke HIV hobane peto hangata ha e etsahale tlasa maemo ao ho ona ho ka sebediswang khondomo. Bosoro ba peto bo hlahisa kotsi e hodimo haholo ya ho lematsa ditho tsa bong le ho tswa madi (mme hona ho eketsa tshwaetso ya HIV). Tabeng ya ho betwa ke sehlopha sa batho teng ho se sireletseha bafutuheding bao ba bangata ho beha motho kotsing e kgolo ya tshwaetso?
Mabaka a moruo le leng la mabaka a maholo a eketsang sekgahla sa tshwaetso ya HIV hara basadi ke seabo sa ho ba ka tlasa taolo ya banna ba bona e leng ntho tse etsahalang malapeng le bophelong ba setjhaba. Ho itshetleha ha basadi ho banna ka ditjhelete, ho kenyelletsang le maemo a hodimo a bona a bofutsana le kgaello ya ho fumana menyetla le mehlodi ya thuso, ho ba le kabelo mokgweng wa hore ba se ke ba sireletseha tshwaetsong ya HIV/AIDS. Lebaka la hona ke hore banna ba tlohela tshehetso eo ya bona ya ditjhelete ha basadi ba hana ho etsa seo bona ba se batlang. Basadi ba futsanehileng ke bona ba leng kotsing e kgolo ho ena le basadi ba bang ba leng maemong a mang, mme hona ho bakwa ke kgaello ya ditjhelete?
Mabaka a kahisano bong bo fumanwe e le e nngwe ya dintho tsa bohlokwa e kenyang letsoho ho be teng ha HIV/AIDS ka bongata mme bo behilwe molato bakeng sa sewa sa HIV/AIDS dinaheng tse ngata tsa sub-Saharan Africa. Banna ba nang le balekane ba bangata le bona ba bonwa e le bona ba eketsang kotsi ya tshwaetso ya HIV. Basadi ba ba kotsing ya ho tshwaetswa ke balekane ba bona hobane ha ba na matla a ho rerisana ka tsa thobalano e bolokehileng le bona mme ka hoo ba ba kotsing ya ho tshwaetswa le ka peto. Dikgoka tse sebediswang kgahlanong le basadi mona Afrika Borwa di a eketseha mme ho lekangwa hore mosadi ya mong o a betwa metsotswaneng e meng le emeng e 83. Le ha bao ba pholohileng petong nakong e fetileng ba ile ba tobana le kgonahalo ya boimana le mafu a tshwaetsang ka thobalano, jwale hape ba se ba ba kotsing ya ho tshwaetswa ke HIV/AIDS. Phapang ditlwaelong tsa kahisano mabapi le banana le basadi ke ho ameha ha bokgoni ba basadi ba ho laola boemo ba bona ba tsa thobalano e be ba ba kotsing ya dikgoka tse tsamayang ka bong le thobalano ka qobello?
Le ha ho le jwalo, mosadi a ke ke a qobellwa ho ntsha mpa hobane feela a na le HIV. Mosadi ha a hloke tumello ya monna wa hao hore a ntshe mpa. Ngwanana ya dilemo tse ka tlase ho tse 18 a ka ntsha mpa ntle le tumello kapa tsebo ya batswadi ba hae. Mosadi ya nang le HIV/AIDS a ke ke a kwalwa peleho ha a sa batle.
Dilwantshamahloko tsa di anti-retroviral tse fuwang bomme ba baimana ba nang le HIV pele ba beleha di theosa kotsi ya ho fetisetsa HIV ngwaneng (tshwaetso e tswang ho mme e ya leseeng). Lekgotla la Molao wa motheo le entse qeto ya hore mmuso wa naha o lokela ho etsa bonnete ba hore baimana bohle ba fumana dithethefatsi tse tla thibela tshwaetso ya HIV e fetiswang ho tswa ho mme ho ya leseeng.
Ke monahano o atileng wa hore seabo sa bong mmoho le meetlo ke tsona tse behang basadi kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV/AIDS ho tswa balekaneng ba bona.
Bana ba belehuweng ke bomme ba nang le tshwaetso ya HIV ba ka kenwa ke HIV ka nako ya boimana, ho itokisetsa ho beleha, ho beleha le ka nako eo ba nyantshang. Hobane HIV e ka fetiswa hape le la lebese la letswele, bomme ba nang le HIV ba eletswa hore ba se ke ba nyantsha bana ba bona ba sa tswa belehwa.
HIV/AIDS e ama basadi ka ho fapana hape hampe haholo ho feta banna ka baka la ho se lekalekane ha bong. Bong bo ka nkuwa e le mosebetsi wa kahisano le wa setso o fapanyang basadi ho banna mme o hlalosa ditsela tseo ka tsona basadi le banna ba bang le dikamahano pakeng tsa bona. Seabo sena mmoho le ditebello di ya ithutwa mme di ka fetoha ha nako e ntse e ya, athe hape di ka fapana pakeng tsa ditso.
Bong hape ke setso se itseng mme ho na le diphapang tse bonahalang ho seo basadi le banna ba ka di etsang le tseo ba ke keng ba di etsa setsong se le seng ha ho bapiswa le se seng.
Melao e mmalwa ya setso mmoho le ditlwaelo tsa lebatoweng la Afrika e ka Borwa hangata di tshehetsa motho wa monna e be di kgetholla basadi. Ka baka leo, basadi ba kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV hobane ha ba na ditjhelete tse lekaneng mmoho le matla kahisanong jwalo banna, ka hoo ho ba boima hore basadi ba itshireletse hore ba se ke ba kenwa ke HIV.
Ntho e nngwe eo e seng ya nnete mona Afrika Borwa, e eketsang peto, ke ya hore ho ba le thobalano le mosadi ya sa ntsaneng e le kgarebe ho ka phekola AIDS.
Dintwa tsa malapeng tse leng kgahlanong le basadi di kenyelletsa tlhekefetso ya mmeleng le moyeng.
Basadi ba sotlwang ka tlhekefetso hangata ha ba kgone ho laola dikamano tsa bona athe hape ha ba kgone le ho batla thobalano e bolokehileng. Hona ho ba beha kotsing e kgolo ya ho fumana HIV. Molao wa Dintwa tsa Malapeng o sireletsa basadi ka ho ba neha tsela e potlakileng ya ho etsa kopo ya taelo ya tshireletso ho thibela balekane ba bona hore ba se ke ba ba hlekefetsa. Peto lenyalong ke ho ba le thobalano kgahlanong le thato ya mosadi eo o mo nyetseng. Mosadi a ka tshwarisa monna wa hae bakeng sa peto tlasa Molao wa Dintwa tsa Malapeng.
Kgothaletso e akaretsang ya No.
<fn>sot_Article_National Language Services_HO PHELA HANTLE BOPHE.txt</fn>
Ho na le mafu a mangata ao re a fumanang ho tswa batswading ba rona le ho bonkgono le bontatemoholo. Ho honyenyane haholo, kapa ha ho na letho leo re ka le etsang ho thibela mafu ana.
Le ha ho le jwalo, ho na le mafu a mang ao re a fumanang ka lebaka la ka moo re phelang ka teng.
sa je dijo tse lokileng sa kgathalle mmele ya rona re ka tshwarwa ke mafu ana.
Mafu ana a bitswa mafu a ka moo re phelang ka teng.
Bukana ena e fana ka tlhahisoleseding ka dintho tse ding tseo o ka di etsang ho thibela mafu ana.
Hopola, ke mmele wa hao. Bophelo ba ha bo matsohong a hao. Ka lebaka leo, itlhokomele.
Bukana ena e mabapi le Ke kgetha ho se tsube ke e nngwe ya letoto la dibukana.
Ha a ne a ka kgaotsa ho tsuba!
Ho tsuba ha ho a o lokela?
Kgale ke tsuba, mme ho fihlela ha jwale ha ho letho le nketsahaletseng!
Bona, Duduke bophelo ba ka, mme ke na le tokelo ya ho tsuba ka moo ke ratang ka teng?
Ho lokile! Hopola hore Ngaka Zondi, ngaka e tsebahalang haholo, e re bongata ba batho ba tlang sepetlele ho tla alashwa ke batho ba tshwerweng ke lefu le bakilweng ke ho tsuba.
Tshenyo eo mosi wa kwae o e etsang e etsahala ka hare mmeleng wa haoletsatsing le leng le le leng e tshwaetsa pelo ya hao, matshwafo, methapo ya madi le dikarolo tse ding tsa mmeleqetellong e senya bophelo ba haoselemong se seng le se seng e bolaya dimiliyone tsa batho hohle lefatsheng?
Feela, tjhe, re tlamehile ho shwa kaofela neng kapa nengnka mpa ka shwa ke bolawa ke seo ke se ratang?
O se ke wa lebala hore mosi wa kwae ya hao o hengwa ke bohle ba haufi le wenamme ebe ba tshwarwa ke lefu le tshwanang le la batho ba tsubang?
Mme hopola hore ka mehla ha o tjhesa sakareteo ka nna wa se ke wa shwa ka peleho tsuba ho ka nna ha o bakela mafu a mabe a kang setoroukumme wa phela dilemo tse ngata o sotleha o dutse hwilitjhereng kapa o ka shwa butle ka baka la lefu la matshwafoa ko inahanekgaotsa hona jwalepele nako e feta?
Motho ya tsubang a ka nna a ba le bophelo bo bottle ha a ka kgaotsa ho tsuba.
Ka mora selemo se le seng ba kgaoditse ho tsuba, ha ho bonolo hore ba ka tshwarwa ke boronkhaetisi. Ka mora dilemo tse leshome ba se ba le matla jwalo ka batho ba so kang ba tsuba ho hang feela.
Disakarete le kwae ke motswako wa dintho tse kotsi tse jwalo ka khabonomonokesaete le bokwadi. Dintho tsena di qhwadisa batho ba tsubang.
Mosi wa kwae le ona o qhwadisa batho ba o hemang. Ha o le haufi le motho ya tsubang, o senya bophelo ba hao le ba hae.
Kwae e kotsi bophelong ba hao, hobane e na le ditjhefu tse ka hodimo ho 200. Ditjhefu tsena di senya matshwafo a hao. Ha o ntse o tsuba, o ntse o senyeha le ho feta. Ditjhefu tsena di ka etsa hore o tshwarwe ke lefu la pelo le kankere.
Khabonemonokesaete ke tjhefu e thibelang madi a hao hore a se ke a isa okosejene hohle mmeleng wa hao. Ka ntle ho okosejene o ke ke wa phela.
Bokwadi ke tjhefu e bakang kankere.
Ha motho e mong a tsuba feela disakarete tse mmalwa ka letsatsi, na a ka kula?
Sakarete feela se le seng ka letsatsi se kotsi. O se ke wa qalella ho tsuba! Ho qhwala ha mmele ho qala ha o qala ho tsuba. O ka bonahala o phetse hantle ka dilemo tse ngata pele ho bonahala matshwao a ho kula.
Na ho kotsi ho hema mosi o tswang disakareteng tsa batho ba bang?
Ee, o ka tshwaetswa ke mafu a mangata ha o dula kapa o sebetsa le motho ya tsubang. Lebaka ke hobane o hema mosi o bakwang ke yena letsatsi le leng le le leng.
Masea ao batswadi ba bona ba tsubang ba ba le lefu le lebe haholo la sefuba, jwalo ka boronkhaetisi le nyumonia, ho e na le masea ao batswadi ba bona ba sa tsubeng.
O na le tokelo ya ho hema moya o hlwekileng! Batho ba tsubang ba hlomphe ditokelo tsa hao.
Bongata ba batho ba tsubang bo hana ho kgaotsa ho tsuba hobane ha ba tsebe ka moo ho tsuba ho tshwaetsang bophelo ba bona ka teng. Ha re bueng ka a mang a mafu ana.
Ho tsuba ho baka mafu a mangata a fapaneng. A mabe haholo ke lefu la matshwafo, kankere, lefu la pelo le setorouku.
Batho ba tshwerweng ke lefu la matshwafo ba ka kula ka dilemo tse ngata ba hohlola le ho ba le bothata ba ho hema.
Bongata ba dikankere tse jwalo ka tsa matshwafo di bakwa ke kwae. Ha ho na pheko ya kankere ya matshwafo.
Ho tsuba ho ka nna ha baka kankere ya dikarolo tse ding tsa mmele tse jwalo ka lebokose la moya, qoqotho, senya, leleme, jj.
Madi a mmeleng ya rona a tsamaiswa (potoloha) ka hara ditjhupu tse bitswang methapo ya madi.
Ho tsuba ho baka hore methapo ena ya madi e be mesesanyane. Hona ho qetella ho thiba ho phalla ha madi, mme ho eba kotsi haholo. Ha madi a sa phallele karolong e itseng ya mmele wa hao, karolo eo e ka senyeha. Ke se etsahalang ha motho a eba le setorouku kapa tlhaselo ya pelo. Batho ba bangata ba bolawa ke mafu ana.
Ha ba ka ba a phema, ba ye ba holofale (mmele e hlolehe ho sutha) ka mora setorouku. Ho ye ho hlokahale hore ba kgaolwe leoto ka mora hore ba be le thibelo ya madi leotong.
Batho ba tsubang ba kula kgafetsa ho feta ba sa tsubeng. Ba nka nako e ngata ba sa ye mosebetsing mme ba kenwa ke mafu a akaretsang haholo ho feta bao ba sa tsubeng.
Bana ba bangata ba sa leng batjha ba utlwa kapa ba bona dipapatso tsa ho tsuba e be ba batla ho leka ntho eo. Ka dinako tse ding metswalle ya bona e se e qadile ho tsuba e be e ba kgothaletsa hore le bona ba qale ho etsa jwalo. Hangata batjha ba tsubang ba nahana hore ba hola ka pele hape e be batho ba tummeng ha ba tsuba.
E re tjhe?
O na le matshwafo a matla, a phetseng hantle?
Na ho tla etsahala eng ka ngwana wa hao ha o tsuba ka nako eo o leng moimana?
Tjhefu tse ngata tse hlahang kwaeng di kena leseeng le eso ka le belehwa ka madi a mma lona. Hape ngwana a ke ke a fumana okosejene e lekaneng le phepo e ntle ho tswa mading ao hore a kgone ho hola hantle. Ke ka hoo ho tsuba ho leng kotsi leseeng le eso ka le belehwa.
Ho na le mathata a mang hape?
Bana ba belehwang ke bomme ba tsubang ka nako eo ba le baimana hangata ba belehwa ba le banyenyane ho feta bana ba bang. Hape ba ba le monyetla o mongata wa ho kula kapa ho holofala.
Ho na le monyetla o mongata wa hore ngwana wa hao a hlokahale nakong eo a belehwang ka yona ha o tsuba nakong eo o leng moimana.
O batla ho boloka bana ba hao ba bolokehile dikotsing tsa ho tsuba. Ena ke e meng ya mehopolo e ka thusang bana ba hao hore ba etse diqeto tse ntle ka bophelo ba bona.
Ena ke ntho eo o ka e etsang ka ngwana wa hao lapeng. Titjhere wa pre-school kapa keretjhe le yena a ka sebedisa mosebetsi ona le sehlopha sa bana.
Mosebetsi ona o thusa bana hore ba fumane dintho tse loketseng bophelo ba bona le dintho tse ka bakang tshenyo bophelong ba bona. Bana ba ithuta hantle ha ba iketlile ba natefelwa, ka hoo o ka ba neha dintlha tsa bohlokwa ka nako ya mosebetsi ona.
Kopa ngwana wa hao hore a nahane ka hore ke dife dintho tse mo loketseng mme ke dife tse sa mo lokelang. Le ka sebedisa phoustara ena ho qala puisano ya lona.
Ha o na le dimakasine tsa kgale, kopa ngwana wa hao hore a di shebe e be o seha ditshwantsho tseo a nahanang hore ke tsa dintho tse ntle, le tsa dintho tseo a nahanang hore ke tse mpe, ho yena. Kgomaretsa ditshwantsho tseo pampitshaneng e kgolwanyane e be o pepesa tjhate leboteng hore bohle ba lelapa ba bone seo a se entseng.
Mosebetsi ona o lokela ho natefela ngwana wa hao. O se ke wa tletleba haebe o kgethile ntho eo wena o nahanang hore e mpe ho yena. Ha a kgetha ntho eo wena o nahanang hore e fosahetse, buisana le yena hore a tle a ithute ho tswa ho wena hore ke eng e ka tlisang bophelo bo botle ho yena le hore ke eng e ka etsang hore a kule. Mmotse hore ke ka baka lang a kgethileng hoo?
Ona ke mosebetsi oo matitjhere a o sebedisang le bana ba leng Kereiting ya 1,3 kapa 3. Etsa bonnete ba hore bana ba hao ba ba le motho ya ba hlokometseng ha ba etsa mosebetsi ona. O se ke wa ba siya ba le bang ka kerese e tukang kapa dithutswana tsa mollo.
Ho se seng sa dikotwana tsa karata, phunya lesoba mahareng mme lona le be boholo ba tjhelete ya tshepe ya R2. Sekotwaneng se seng teng phunya lesoba le ka bang boholo ba nalete.
Kopa bana hore ba ho potolohe.
Bolella bana hore ba tshware moya mme ba se ke ba hema, e re ha ba ntse ba etsa jwalo ba phahamise matsoho a bona butle.
Phetang hona ka makgetlo a mararo. Jwale buang ka hore na ba ne ba ikutlwa jwang ha ba tlatsa moya ka matshwafong a bona. Ba kope hore ba etse hoo hape mme ba utlwe ha moya o kena ka mmeleng ya bona ka sebele. Bua le bona ka mokgwa oo moya o etsang hore mmele ya rona e tsamaye ka teng le ka moo matshwafo a re thusang ho hema ka teng. E be o kopa bana hore ba tlole ha nyenyane ha 10, ba latela ka ho tlolatlola ka leoto le le leng hahlano, e be ba tlolatlola hape le ka leoto le leng ha hlano. E be o emisa bana mme o ba botse hore na ba phefumoloha jwang na phefumoloho ya bona e potlakile ha nyenyane ho ena le ha ba ne ba eme ba sa etse letho?
Buang ka ka moo boikwetliso bo ka fetolang tsela eo o phefumolohang ka yona. Boikwetliso bo re loketse mme bo re boloka re phetse hantle.
Bolella bana ka moo ho phefumoloha ho fetohang ka teng ha batho ba tsuba hobane nako le nako mosi o kena ka matshwafong a bona e be o a tswa hape, mme o mong wa mosi o sala. Mosi oo o setseng butlebutle o thiba matshwafo mme a qetella a sa sebetse hantle jwalo ka ha a ne a hlwekile a se na mosi ka hara ona.
Buang ka ka moo ho tsuba ho fetolang tsela eo batho ba phefumolohang ka yona le ka moo hona ho seng hotle ka teng, le ka moo hore kudisang ka teng.
Ba bolelle hape le ka moo le bona ba amehang ka teng ka ho hema mosi o tswang sakareteng tsa batho ba bang.
Jwale le ka tshwantsha seo le neng le bua ka sona. O ka etsa hoo pele e be o hlokomela bana ha ba ntse ba leka ho etsa le bona. O se ke wa ba siya ba le bang ka kerese e tukang kapa dithutswana tsa mollo. Beha karata e nang le lesoba le lenyenyane ka pela kerese e ka kotikoting.
Butswela lesobeng lena mme o tla bona hore ho boima jwang ho tima kerese. Bapisa hona le ho ba le matshwafo a thibaneng a kwetsweng ke mosi wa kgale o bokellaneng.
Jwale beha karata e nang le lesoba le leholo ka pela kerese.
Butswela lesobeng lena mme o tla bona ka moo ho leng bonolo ho tima kerese. Bapisa hona le ho ba le matshwafo a hlakileng a nang le matla a mangata a ho etsa hore a sebetse hantle.
Ona ke mosebetsi wa bana ba leng Kereiting ya 4 le ya 5.
Batla pampitshana e nang le maqhepe a mabedi ya papatso ho tswa lebenkeleng la heno kapa o sebedise dikoranta le dimakasine tsa kgale. Seha ditshwantsho tsa dintho tse jwalo ka pakana ya sakarete le lebokose la dithutswana tsa mollo ekasitana le dintho tse ding tse jwalo ka dipompong, dipene, dikausi, dibuka, jj. Kapa sebedisa ditshwantsho tseo o di takileng.
Beha ditshwantsho tsena hodima pampitshana e kgolwanyane e be o beha ditheko haufi le tsona.
Kopa bana hore ba nke e ka ba na le R15 eo ba tla e sebedisa ho reka. Ba botse hore na ba ka reka eng. Ke dife tsa dintho tse tjhateng, tseo ba nahanang hore ho bohlokwa hore ba be le tsona?
Ha bana bohle ba se ba entse qeto, e re ba buisane ka kgetho tsa bona.
Hopola, ha ho na karabo e nepahetseng mme hape ha ho na le e fosahetseng. EMPA ha ba kgethile disakarete le dithutswana tsa mollo moo o ka buisana le bona mme o ba bolelle ka moo tseo di leng theko e hodimo ka teng. O ka ba bontsha hape le dintho tse ding tse ngata tseo ba ka beng ba di rekile tse ka nkang nako e telele kapa tsa ba molemo ho bona.
Mosebetsi ona ke tsela ya ho etsa hore bana ba nahane ka dintho tseo ba di batlang le dintho tseo ba di hlokang ka sebele. Hape ke tsela ya ho buisana ka dikotsi tsa ho tsuba ntle le ho ba ruta puisano e tla etseha feela ka mokgwa wa tlhaho. O tla kgona ho fetisetsa dintho baneng ha bonolo ha ba iketlile mme ba natefelwa, ho ena le ho ba halefisa kapa ho ba bakela bodutu?
Ena ke mehlala ya mefuta ya dintho tseo o ka di tshwantshang kapa wa di seha dikoranteng kapa dimakasineng.
Ke bolelletse bana ba ka ka moo ho leng kotsi ka teng ho tsuba. Dibekeng tse fetileng tse mmalwa ke lemohile hore mora wa ka e monyenyane o nkga sakarete. Yena o itse metswalle ya hae yohle e ya tsuba, mme ha a batle ho sala a le mong a sa tsube.
Ke kopa hore o nthuse. Ha ke batle hore ngwana wa ka a kule.
O tshwanetse ho tshwenyeha ka mora wa hao ya tsubang. Ha a qala ho tsuba a sa le monyenyane jwalo, ho ka kgoneha hore ha a se a le dilemo tse mashome a mararo, a kenwe ke mafu a bakwang ke ho tsuba a jwalo ka lefu al matshwafo, lefu la pelo le kankere.
Mo thuse hore a be matla hore a kgone ho re tjhe disakareteng le ha metswalle ya hae e tsuba. O ka etsa hona ka ho netefatsa hore o utlwisisa dikotsi tsa ho tsuba ka ho bua le yena le ho mmontsha bukana ena?
Bolella mora wa hao hore ho lokile ho fapana le ba bang. Ha metswalle e phehelletse ho tsuba, mora wa hao o lokela ho dumellana le bona hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ipehela maemo a amohelehileng, le teng hona a ho etsa ka kgetha dintho a ena le tsebo, mme hoo ke ntho e lokelwang ho hlomphuwa.
Ke tlolo ya molao ho rekisetsa bana ba ka tlase ho dilemo tse 16 disakarete. Etsa bonnete ba hore beng ba mabenkele ba sebakeng sa lona ha ba rekisetse bana ba banyenyane disakarete.
Ke na le motswalle eo e seng e le kgale a tsuba. O ne a kgohlola hampe haholo, mme ngaka e itse a emise ho tsuba ho seng jwalo o tla kula haholo a be a qetelle a shwele ka baka la kankere. Motswalle wa ka o tshwenyehile haholo hobane o bona hore a ke ke a kgona ho tlohela ho tsuba. Ke rata ho mo thusa hore e kgone ho tlohela ho tsuba. Na o na le mehopolo e itseng e ka thusang?
Motswalle wa hao o se a tseba hore ke ka baka lang a lokelang ho tlohela ho tsuba. Ngaka ya hae e ile ya mo lemosa ka dikotsi tsa teng mme yena o nketse hoo hodimo haholo. Hona ke hwa bohlokwa hobane ha o sa lokela ho mo kgodisa ho emisa ho tsuba, o entse qeto ya hae mme o na le tshusumetso. Empa o tla nne a hloke tshehetso ya hao ho etsa bonnete ba hore ha a qale hape.
Hore a bue phatlalatsa hore o ikemiseditse ho tlohela ho tsuba e be o fumana thuso ya bao a sebetsang le bona, ba lelapa le metswalle e ka tshehetsang ya ba ya mo kgothatsa.
Ha a se a tlohetse ho tsuba ka botlalo, ha ho a tshwanela ho ba le disakarete haufi le yena, hobane a ka lekeha ya ba o batla ho tsuba e le nngwe.
O lokela ho fumana sejo se ahang mmele seo a ka se jang, jwalo ka tholwana kapa ntho e itseng eo a ka e etsang haholoholo ha a ikutlwa a lakatsa ho tsuba. Mo kope hore a bue le motho e mong, a shebe lenaneo le qabolang thelevisheneng, kapa a bale buka e qabolang, e le hore a tle a tlose kelello ya hae tabeng eo ya ho tsuba.
Jwalo ka motswalle, tswela pele ho mo kgothatsa ka ho mo tlotla ha a hlotse moleko wa ho tsuba.
Lekola hore o ithutile ho le ho kae ka ho bala bukana ena. Etsa malepa ana e be o bapisa dikarabo tsa hao le tseo ho fanweng ka tsona tlase leqepheng lena.
Ho tsuba ho ka lematsa matshwafo a hao ka mokgwa o tshwanang le wa ho tsuba kwae.
Ha o tsuba meno a hao a tla ba le...
Ho tsuba ho bolaya batho ba bangata jwalo feela ka AIDS, jwala, dithethefatsi le dikotsi tsa tseleng.
ke tjhefo e kwaeng e bakang kankere.
E re ho tsubeng.
Batho ba bang ba tsubang ba maoto ha phallo ya madi e thibane.
Ho ba la ho tsuba ho bolela mmele wa hao ha o kgone ho phela ntle le nikotine kapa bokwadi ba kwae.
Ha o se o le lekgoba la kwae mmele le ha di iketle ntle le dithethefatsi.
Mafu a mang a a bakwa ke ho tsuba.
Mosi wa kwae ke motswako wa khabonemonokesaete, le bokwadi.
Batho ba neng ba tsuba mme ba se ba tlohetse ho tsuba nakong ya dilemo tse leshome ba ba jwalo ka ha e ka ha ba ka ba tsuba.
E ba , o se ke wa sebedisa tjhelete ya hao disakareteng.
matekwane; 6 matheba; 7 sakarete; 8 bokwadi; 9?
<fn>sot_Article_National Language Services_HO THAKGOLWA HA MOKGA.txt</fn>
Seboka se fana ka monyetla o ikgethang ho rona hore re hlalose botjha le ho itiisa jwaloka batho ba nang le boitshwaro, mme ha mmoho re bope mawa a tshwarehang, a kgonehang le a sebetsang ekasitana le mananeo a tla re etsa hore re tjhaele monwana makgabane a nyalanang le Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Kopano e etsang histori ya ho thakgola Mokgatlo wa naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro e neng e tshwaretswe Diahelong tsa Sesole sa Moyeng tsa Waterkloof ka la 18 Mmesa 2002 e ne ha ho fihlelwa sehlohlolo sa mosebetsi oo esale o simolla ka 1998 ha Presidente wa mehleng Nelson Mandela a ne a memme baetapele ba mekga ya dipolotiki le baetapele ba ditumelo Sebokeng sa Boitshwaro Johannesburg ho theha maikutlo tabeng e hlokang dipatlisiso tse tebileng ya tsoseletso ya boitshwaro ho la Afrika Borwa. Ka morao ho moo, ho ile ha tshwarwa diwekshopo tse pedi hodima taba ena ya Tsoseletso ya Boitshwaro tlasa boetapele ba Motlatsi wa Presidente Jacob Zuma, tse ileng tsa hlahisa bukana e bitswang Freedom and Obligation, ha Ditherisano tsa setjhaba ka Pudungwane selemong sa 2001 di ile tsa etsa tlhahiso ya hore ho thehwe Mokgatlo wa naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Seopheo ka Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro (MRM) e ne e le ho etsa monyetla, wa ho kgothaletsa le ho hokanya mananeo a setjhaba se seng le se seng ho sebeletsa ho tsosolosa boitshwaro ba setjhaba sa rona?
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o kgannwa ke mokgatlo wa setjhaba mme morero ha se hore o laolwe ke ba kahodimo. Sepheo sa teng ke ho hokanya ditabatabelo tse ngata tse seng di ntse di le teng bathong ba habo rona. Makgabane a boitshwaro ba rona a hodimo a hlahela hohle bothong ba rona kaofela mme batho ba labalabela ho fetola diketso tse sa nyalaneng le kahisano kapa phedisano tse ikentseng tshoso naheng ya rona.
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla tsepamisa maikutlo tabeng ya boikarabelo boo rona kaofela re lokelang ho bo nka bakeng sa bophelo ba rona, re tloha kutlwisisong ya hore, jwalo ka ha re ile ra ba baitokolli ka borona twantshong ya kgethollo, ka tsela yona eo hape kajeno re lokela ho sebetsa jwalo ka baitopolli ba rona ka borona ha re lwantsha masalla a kgethollo?
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke lepatlelo leo ho lona ho kgothaletswang, ho etswang monyetla, ho tsosoloswang le ho sebetsa mmoho maikutlo a tla hlaha karolong e nngwe le e nngwe ya setjhaba sa rona. Mokgatlo o rerile ho bona setjhaba se tletseng boitshepo ebile se na le boitshwaro bo matla. Maikemisetso ke ho tsosolosa moya wa Ubuntu/Botho, ka ho sebedisa mehlodi kaofela e teng mmusong le setjhabeng. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitswaro o tsitlaletse motheong wa ditabatabelo tse hlahisitsweng ke Molao wa rona wa Motheo, motheo o totobatsang mefuta ya ditabatabelo tseo re di nketseng hodimo tseo ka tsona re batlang hore ditjhaba kaofela lefatsheng di re tsebe ka tsona?
Ho fana ka monyetla wa ho hlahloba boemo bo fetileng le boemo ba hona jwale ba koduwa e teng ya boitshwaro Afrika Borwa.
Ho hlahisa maikutlo ka mawa le mehato ho tsosolosa ditabatabelo tsa setjhaba tsa Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Ho etsa monyetla wa ho fetoha ha mokgatlo o tenyetsehang wa setjhaba ho thusa le ho tshehetsa boithaopo ba baahi ba setjhaba le mmuso ho rala lenaneo le sebetsang la mohato wa ho ntjhafatsa setjhaba sa rona.
Ho rala lenaneo le tsitsitseng hantle la tshebetso bakeng sa letsholo la motjha o tjhele la tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho matlafatsa metheo ya tokoloho le demokrasi ya rona e hapilweng ka thata ka ho theha setjhaba se nang le boitshwaro bo matla, bo thehilweng hodima mokgwa o akaretsang wa boitshwaro.
Ho rala mawa a akaretsang tsohle a thehilweng sebopehong se makalakala sa ditaba tseo eleng tsa mantlha tharolong e tla ba ya motjha o tjhele ya phediso ya mathata a phedisano le ekhonomi setjhabeng sa rona.
Ho thakgolwa ha Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitswaro e ne e le kopano e ikgethang ya baemedi ba 1 300 ba tswang dikarolong tse ngata tsa naha ba neng ba tlile ka difofane, dibese kapa dikoloi ba neng ba tswa naheng ka bophara, ba neng ba batla ho fumana ditsela tsa ho theha setjhaba se nang le boitshwaro ba sebele. Ba ne ba kenyeleditse Matona a Kabinete, ditonakgolo tsa diprovense, ditho tsa Palamente, baetapele ba mekga ya dipolotiki, batjha, baetapele ba ditumelo, mekgatlo eo eseng ya mmuso, baemedi ba kgwebo le basebetsi. Ba ile ba bontsha boikitlahetso ba batho ba Afrika Borwa hore ba kenye letsoho nthong ena eo eleng e ka pele-pele dinthong tsa bohlokwa tsa setjhaba tsa ho etsa motheo wa ho haha Tsoseletso ya Boitshwaro ba naha ya rona ba motjha o tjhele bo kopaneng ebile bo tshwana naheng ya rona. Ho thakgolwa hona ho ile ha fana ka monyetla baahing bao eleng batho ba tlwaelehileng hore ba eme mmoho le ba ditulong tsa boetapele mme ba hlahise maikutlo mmoho ka boikemisetso ditabeng tsa boitshwaro?
Modulasetulo wa Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, Father Smangaliso Mkatshwa, o ile a amohela baromuwa, mme ka morao ho moo ho ile ha latela puo ya sehlooho e entsweng ke Motlatsi wa Presidente ya ileng a bula kopano ena ya ho thakgola Mokgatlo, a ba a hlahisa molaetsa wa tshwarelo e kopilweng ke Presidente Thabo Mbeki, ya neng a tswile ka mosebetsi. Cedric Mayson o ile a hlahisa kakaretso ya a mang a mathata ao naha e shebaneng le ona tlasa sehlooho sena: Bothata ke bofe?
Bothata ke bofe?
Dipolao! Ditlatlapo! Peto! Diketso tsa Dikgoka! Bomenemene!
Morabe! Ho tlatlatjwa! Ho amohuwa tseo eleng tsa hao ka dikgoka! Tlhekefetso ya basadi le bana! Sekgeo dipakeng tsa ba nang le hona le ba hlokang! Tumelo tse sothwang! Bo-ntlhapedi! Meharo! Bobodu mmusong le setjhabeng! Ho etsahalang ka rona?
Re tlameha ho qala ka ho hlopholla disosa tsa bothata ba rona. Re tla re pepile mathata nakong e fetileng, masalla a bokolone le kgethollo, tse sokolotseng menahano ya rona le ka moo re shebang dintho ka teng, ke ntho tse re rutileng hampe, mme tsa re siya le mathata a maholo.
Ho boetse ho na le mathata a mang hape nakong ya hona jwale. Tokoloho ya dipolotiki e entse monyetla wa hore re tshwarane le diphephetso tse kgolo tsa ho fetola naha ho tloha tlwaelong ya bokolone ya ho ikobela molao ho leba ho tlwaelo ya demokrasi ya boikarabelo. Sena se hlalosa mokgwa wa katamelo e ntjha ya bophelo ba motho e mong le e mong - eleng ntho eo boholo ba rona re neng re sa e tsebe pele ho 1994.
Batho ba bangata ba hlwaya diphoso ho boraditaba, bao ka nako e nngwe ba hlahisang tseo re sa batleng ho di kgothaletsa: taba ya hore Mapolesa a hlolehe ho qobella toka, Makgotla a dinyewe le Ditshebeletso tsa Tshokollo ya batshwaruwa, kapa mmuso o tshwauwe phoso.
Empa re lokela ho ipotsa dipotso le rona. Naa matlotlo le ho ba ditulong tse nang le tshusumetso ya matla a itseng ke ntho tse ka tlosang maikutlo setshwantshong seo re nang le sona sa lefatshe le letjha ka lebaka la ho tsitlallela tshusumetso ya matla a botho le meharo lefatsheng leo?
Re ka boela sehlohlolong sa boitshwaro jwang ha tjhelete e fetoha modimo o rapelwang ke batho ba bangata, ha mekgwa ya rona ya ekhonomi e etsa hore batho ba futsanehe, ha makgabane a moya a dula a beheletswe ka thoko?
Tshepo ya rona ya ho araba dipotso tsena e na le motheo o matla. Ditjhaba tse ding le tsona di na le mathata a tshwanang le ana, empa boikitlahetso ba rona ha mmoho ba ho araba dipotso tsena ke bo ikgethang.
Matla a rona ke hore botjhaba ba rona kaofela bo ikitlaheleditse kgotso ya bohle e tshwanang.
Metso ya rona e kahisanong ya rona moo batho ba dulang teng le ho sebetsa ekasitana le ho bapala teng. Re ka theha setjhaba se setjha ka borona ka kgothaletso ya boikitlahetso ba selehae ba ho sebetsa mmoho.
Sepheo sa rona ke ho ntjhafatsa mekgatlo ya rona e teng ha jwale le metheo, eseng ho qala e metjha. Tsosoloso ya Boitshwaro ke moo re leng teng.
Dikgwebong tsa rona le mekgatlo, le ka boikitlahetso ba rona ba botho, re ka araba dipotso tsena ka ho phahamela ho hlwibila phephetso ya tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho etswa eng?
Seboka sa hoseng tjena sa ditho kaofela, se ileng sa tsebiswa ke Tim Modise, se ile sa fihlela maikutlo a nepahetseng a ileng a hlahiswa ka pina, motjeko le mantswe a neng a thehilwe hodima boiphihlelo le bokgoni. Sena se ile sa tiisa ditabatabelo tsa boitshwaro bo tswang kahare, seriti le toka ya mantla ya moya wa botho. Lekgoba la mehleng la dithethefatsi, motho wa HIV/AIDS, sehlopha sa dibini tsa tjhankaneng, sehlopha sa motjeko sa batjha tsohle di hlahiswa ka puo ya sebopeho sa bonono le moya wa tshepo kahare ho mofidibithi wa ho hloka tshepo, moya wa kgothalo nakong ya phephetso, le boikitlahetso nakong eo boitshwaro bo nyehlileng ka yona?
Molaetsa ona o tshwanang le ona o ile wa hlahela hape dipuong tse ileng tsa etswa, ha baromuwa ba ne ba utlwa ka menahano le mehato e nkuwang Kgwebong ya Twantsho ya Ditlolo tsa molao, Foramong ya Naha ya Twantsho ya Bobodu, Moifong wa Katolike, ke Baetapele ba MaHindu le ba Ma-Komonisi le ho ntshetsa pele makgabane a boitshwaro bo botle, borathuto, ba Tsosoloso ya Afrika le ba bang.
Motsheare wa mantsiboya, baromuwa ba ile ba ikarola dihlopha tse 10 tsa dipuisano (sehlopha se le seng sa puso ya naha le dihlopha tse robong tsa diprovense) ho tshohla meralo e sebetsang hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tle o ntshetswe pele. Sehlopha ka seng se ne se kenyeleditse baemedi ba tswang dikarolong tsohle tsa setjhaba, le moifo wa ho kgothaletsa dipuisano wa batho ba bararo eleng motsamaisi wa dipuisano wa profeshenale, motsamaisi wa dipuisano ya emetseng diprovense, le motsamaisi ya neng a sebetsa jwalo ka mongodi ho hlophisa tlalaleho e ngotsweng?
Motho e mong le e mong o ile a fuwa karete mme a kopuwa hore a ngole fatshe mohato o hlokehang bakeng sa tsoseletso ya boitshwaro Afrika Borwa. Ba ile ba tshohla tsohle tse hlokehang ho kgothaletsa phetoho, se ntseng se etsahala se hlokang ho hokahanywa, sephetho se ikgethang se labalabelwang karolong e nngwe le e nngwe le hore naa sena se ka fihlelwa jwang.
Sebopeho sa dipuisano se ne se laolwa ke ditlhoko tsa sehlopha. Ba bang ba ne ba arotswe dihlotshwana tse neng di fana ka tlaleho hodima dipuisano. Ba bang ba ne ba hlohlomisa ditaba hantle ho latela bohlokwa ba tsona kaofela. Mehato le dipuisano e ne e ngolwa ebile e kgutsufatswa.
Qetellong ya seboka, moromuwa e mong le e mong o ile a kopuwa hore a itlame mme a fuwa karete eo ho yona a neng a ngola mehato eo yena ka sebele sa hae a tla e nka ho tshehetsa tsoseletso ya boitshwaro Afrika Borwa. Moromuwa o ile a nehelana ka karete ho moromuwa e mong ya tswang provenseng, ya neng a sa mo tsebe ho hang pele ho wekshopo ena, mme a kopa hore moromuwa eo a mo tshehetse ka ho mo founela nakong ya ntho e etsang kgwedi.
Sa bohlokwa mona ke hore dikarolo tse fapaneng tsa setjhaba, tse sebetsang mmoho provenseng e nngwe le e nngwe, metseng e meholo ya diteropong kapa metseng ya mmasepala, ba tla isa tse fihleletsweng dibakeng tsa habo bona tse seng di ntse di le teng.
Batho ba fetang sekete ba ile ba buwa jwang nakong ya dipuisano tsa dihora tse pedi ka koduwa ya boitshwaro e tjametseng naha ya rona Ka thuso ya moifo wa batsamaisi ba dipuisano le bangodi sehlopheng se seng le se seng, ho ile ha ngolwa fatshe tse ngata, mme ho latelang ke mehopolo ya sehlooho mathateng a fumanehileng, le ditlhahiso bakeng sa mohato le phetoho?
Diprovense kaofela di ile tsa ngola fatshe dingongoreho ka ho senyeha ha bophelo ba lelapa le ho fokola ha maemo a malapa. Lelapa jwalo ka ha e le sebaka sa mantlha sa moo phedisano e simollang teng, le ile la bonwa ke baromuwa ba bang ba kenetseng dipuisano e le sesebediswa sa bohlokwa sa ho hlokomela boitshwaro bo botle, le moo makgabane a phedisano le a boitshwaro a lokelang ho tiiswa teng hore a kgone ho ba le seabo se sebetsang hantle.
Bosiyo ba bo-Ntate, kapa tahlehelo ya seriti sa bo-Ntate ka lebaka la ho sebedisa dintho tse itseng hampe, ke bona bothata bo boholo. Bana ba bang ha ba tsebe bo-Mme le letho feela. Ba bangata ba bona ha ba kgone ho bona batswadi ba bona ba ileng mosebetsing. Tlhokeho ya tataiso ya batswadi, ho hlokeha ha batho bao bana ba labalabelang ho tshwana le bona kgolong ya bona le taolo, ke dintho tse siyang bana ba bangata ba hloka tshireletso. Ka lebaka leo, ba bangata ba thatafallwa ke ho iphumana jwalo ka batho le ho fumana moelelo wa bophelo ba bona.
Bana ba bangata ba bothateng ba ho hlekefetswa ke batswadi le ba habo bona dikelellong, mmeleng ya bona kapa ba hlekefetswa ka mokgwa wa thobalano, eo ka dinako tse ding e ba siyang ba holofetse bophelo ba bona bohle, ba hloleha ho bona lehlakore le kganyang le bokgabane ba lelapa le fanang ka bophelo.
Maqheku a ya a sa tsotellwe haholo setjhabeng sa rona. Tsebo ya bona le boitsebelo ba bona ha di sa hlokahala mme ba se ba bonwa e le bothata bo belesitseng moruo ho feta hore ba bonwe jwalo ka mohlodi wa tataiso ya boitshwaro le kgothatso.
Balekane manyalong ba hloleha ho tiisa kapa ho tshwarellwa dikamanong tsa bona, ka dinako tse ding sena se kgannela karohanong le mathateng a phedisano le a moruo.
Dihlopha tse ding di ile tsa hlahisa tumelo ya hore mohlodi wa sesosa sa tahlehelo ya makgabane a malapa ke mohopolo ona o seng o kganathelletse wa bo-Ntata o etsang hore basadi ba hlekefetswe mmeleng ya bona, dikelellong le maikutlong. Ha ho bophelo ba lelapa bo ka tsosoloswang ntle le hore ho hlakiswe seriti le tekano ya basadi le banna.
Ho ile ha hlaha ditlhahiso tse ngata. Baetapele ba mmuso le baetapele ba ditumelo ba ile ba bitswa ho kgokgothela tlwaelo ya bophelo ba ho sebetsa mmoho ka moya wa letsema. Ho hlokeha kgolo ho ya ho ile bophelong ba lenyalo, le tlhokomelo ya malapa a nang le batswadi ba le bang eseng ba babedi. Merero e sebetsang hantle ya ho nka bana bao eseng ba hao hore o ba etse bana ba hao, ke ntho e ka thusang bana ba hlokang batswadi kapa bao batswadi ba bona ba iphileng dimenyane ka monyetla wa hore ba fumane bophelo ba lelapa?
Dipuisano di boetse tsa tsepamisa maikutlo ho se etswang ka mokgwa o ahang ho tiisa le ho tshehetsa bophelo ba lelapa. Dihlopha tse ding di ile tsa thoholetsa mmuso ka molao o motjha o matlafatsang ditokelo tsa bana le tsa basadi, le ho tswela banna molemo. Mekgatlo ya selehae le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso esale e tsamaisa diwekshopo ka molao ona, mme ntlheng tse itseng diforamo tsa setjhaba di ile tsa thehwa ho kgothaletsa makgabane a lelapa le a setjhaba.
Ho hlokeha hore ho etswe mosebetsi o mongata ho fetola malapa. Mosebetsi ona o lokela ho itshetleha kgubung ya Tsoseletso ya Afrika ho boela metheong le ho bopa botjha moya wa Afrika le ditabatabelo tsa bophelo ba lelapa, ho hatella mohopolong wa ngwana wa ka ke ngwana wa hao, le motswadi wa ka ke motswadi wa hao, le ho kgothaletsa botle ba lerato, mamello, kgotso le tshepo. Mananeo a tshehetsang lelapa a hloka hore a bonahale?
Lelapa le bonwe e le sebaka sa mantlha sa boemedi ba matlafatso ke Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro jwalo ka ha e le boemedi ba bohlokwa ba ho hlokomela ditabatabelo, tjhadimo ya boemo ba dintho le boitshwaro.
Dihlopha tse fapafapaneng di ile tsa tsepamisa maikutlo tlolong tsa molao le bobodung.
Disosa tsa tlolo tsa molao di tloha ho taba ya ho hloka tlhompho ya bophelo le kgatello e tliswang ke ho ba mmoho jwalo ka sehlopha, ho hloka boikgantsho ba bohaeno le boitelo bo tswang ho ditho tsa Sepolesa. Ho etswe boipiletso ba selekane dipakeng tsa mmuso, kgwebo, sepolesa le setjhaba dipuisanong tseo kaofela. Dihlopha kaofela di tobokeditse tlhokeho ya matsholo diprovenseng ho thibela tlolo tsa molao le bobodu.
Dihlopha kaofela di hlahisitse maikutlo a hore batho ba utullang dipatilweng kapa bobe bo etswang ka lekunutu ba lokela ho fuwa ditlhapiso tse itseng, mme e mong wa baromuwa o ile a etsa tlhahiso ya hore ho be le mohala o dulang o emetse ditaba tsa mofuta o jwalo dinakong tsena tsohle bakeng sa ba utullang dipatilweng. Ho hlokeha hore ho tsuwe letsholo hore ho fumanwe seabo sa setjhaba hore se kgone ho fedisa lethathama lena la bobodu, mme ho ile ha hlahiwa le tlhokeho ya ho tiisa diforamo tsa sepolesa sa setjhaba.
Ntle le tikatiko, bofutsana bo bonwa e le ntho e tshosang tsoseletso ya boitshwaro e matla. Hona ha ho bolele hore batho ba futsanehileng ke batho ba babe, hobane ka dinako tse ding batho ba hlokang haholo ke bona ba pepesang tlhompho ya boitshwaro e tebileng haholo. Ke sekgeo se ntseng se hola dipakeng tsa barui le bafutsana seo ka bosona se nyonyehang. Se tlisa letoto la mathata a moruo le a phedisano, jwalo ka tlhokeho ya mosebetsi le bofuma, eleng ntho e tswalang ho foforeha ha boitshwaro bathong le kahisanong. Hobaneng ha mekgwa ya rona ya moruo e futsanehisa batho ba bangata hakana?
Ho fokollwa ke boitswaro ho tshwana le lesela le hlokang moroko moo ho phethetsweng teng. Dikarolo tsohle tse nang le kabelo koduweng ya boitshwaro di momahane. Meharo le boikgohomoso ba batho ba bang ka ho beha ba bang tsietsing, ho thatafallwa le ho hloleha ka dinako tse ding ha bahwebi ba banyenyane le boradikgwebo hore ba kgone ho iketsetsa bophelo, le ho fofa ha tjhelete e tswang kahare ho naha - tsohle ke dintho tse nang le tshusumetso boemong ba bophelo ba batho, ho ba hatella ho nka mehato yohle e teng hore feela ba fumane dijo tseo ba di jang.
Ho ile ha ba le boipiletso bo akaretsang ba hore ho etswe hore mesebetsi e be teng, haholo sena se lokela ho etswa ka ntshetsopele ya selehae. Dihlopha tse ding di ile tsa supa ntlha ya tlhokeho ya hore ho thehwe mesebetsi dibakeng tsa bodulo tsa metseng ya diteropo le tsa metseng eo eseng ya diteropo ho thiba tshubuhlellano ya batjha metseng ya diteropo. Ba bang ba ile ba hlahisa hore baahi ba kgothaletswe ho kena letsholong la tlhahiso ya dijo. Mehato e hlahisitsweng ya ho qala mesebetsi e ile ya qala ho taba ya ho hloma dilekane tse sebetsang, ho fokotswe tshebediso ya metjhine, batho ba rutwe le ho rupelwa mahlale a boiphediso, ho botjwe boitshepo, ho be le menyetla e lekanang ya bohle, maemo le ditlhoko tsa dikgwebo tsa tjhelete, taba ya ho fumaneha ha tjhelete ya kadimo bathong ba futsanehileng, le hore ho nehelanwe ka thuto ya khwalithi, ha mmoho le taba ya ho fumaneha ha dibasari haholwanyane, bathong ba futsanehileng ba metseng eo eseng ya diteropo. Ho ile ha hlahiswa le taba ya boikarabelo ba baahi ba nang le tjhelete hore ba thuse baahi ba hlokang tjhelete.
Mokgwa wa thuto naheng ya rona o amohetse maemo a neng a reretswe ho hloka tlhompho ya boitshwaro bo botle, a ileng a ralwa ho matlafatsa thuto ya morabe o mong mme merabe e meng yona e tingwe menyetla. Ho hlokeha mme ho tla nne ho hlokehe boikitlahetso bo boholo ho fedisa tlhokeho ena ya tekano.
Ho hlokeha dipapadi e le ka nnete dikolong. Dihlopha tse ngata di ile tsa thetsa taba ena e leng e nngwe ya disosa tsa tlhokeho ya phedisano, e hlokehang ho rupela batho ba batjha ka ho ba fa mahlale a ho sebetsa ha mmoho, ho natsa ba bang, ho ba le molao le boikitlahetso. Dipapadi di hloka hore di tsosoloswe jwalo ka papadi ya phedisano bakeng sa monyaka, eseng bakeng sa phehisano. Hona ho tla kenyeletsa taba ya ho tsoseletsa le dipapadi tsa kgale tsa kwano ho etsa hore ba bapalang ba kgone ho amanya papadi le botjhaba. Dipapadi ka dinako tse ding di tlisa moya wa lelapa bakeng sa dibapadi tseo mohlomong di hlokang seo lapeng.
Ke taba ya bohlokwa hore Afrika Borwa e hopole dithuto tsa mehleng e fetileng, moya wa ho lwantsha kgethollo le seabo seo bana ba dikolo ba ileng ba e ba le sona ntweng eo, haholo ha ba ne ba hana ho ikobela thuto ya sebopeho seo se fokolang, e leng ntho e ileng ya tswala hore ho be le Kwenehelo ya Soweto ya 1976. Moralo wa histori ya rona o lokela ho kenyeletsa diketsahalo tsena hore bana ba rona ba kgone ho bona moo re tswang teng, mme ba be le moya wa boikgantsho wa hoba batjha ba Afrika Borwa.
Thuto e lokela ho bonwa ka ditsela tse batsi eseng feela e sehetsweng moedi wa thuto ya boemo ba poraemari, boemo ba thuto ya sekondari le boemo ba thuto ya thetjhiari. Thuto e lokela ho ba le kabelo tsoseletsong ya boitshwaro ba setjhaba sa rona, e lokela ho sutha maikutlonyaneng a mopetetsane a thuto ya sekolo mme e ruise moya wa ho batla ho tseba le ho fuputsa ho kgothaletsang tlwaelo e akaretsang ya ho ithuta. Ho ile ha ba le boipiletso bo akaretsang ba hore batswadi le baetapele ba setjhaba ba amane le thuto ya sekolo. Boipiletso bo ikgethang ebile ba hore ho kenngwe metheo thutong e rerileng ho fetola motho ya kahare e le mokgwa o sebetsang hantle ho feta ho ka thibela ditlolo tsa molao le bobodu setjhabeng. Mookotaba o mong o neng o hapile dipelo tsa baromuwa ba bangata dipuisanong e ne e le taba ya hore ho kenyeletswe thuto ya boahi meralong ya thuto ya dikolo, mme ho toboketswe ka ho ikgetha ditokelo tsa botho le Molao wa Motheo wa naha ena. Dihlopha tse ding di ile tsa hlahisa hore tsoseletso ya boitshwaro le yona e lokela ho kenyeletswa meralong ya thuto ya dikolong jwalo ka tsela ya ho hlokomela hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o dula o phela ho ya ho ile?
Setjhaba sa mehleng ya morao tjena se nyahamisa batho ba batjha ka ditsela tse ngata. Ba nyahamiswa ke batswadi ba bona hobane ha ba fane ka mohlala bothong ba bona boo batjha ba ka bo latelang le ho kgahlwa ke bona jwalo ka baetapele ba bona, ba nyahamiswa ke ho nyema mooko ha matitjhere a bona, ba nyahamiswa ke menyetla e haellang ya ho fumana mesebetsi. Ntho ena, ha mmoho le kgatello ya bothaka, e entse hore ho be le ho phahama ha tshebediso ya dithethefatsi le jwala, kgolo e tshabehang ya baimana ba batjha, le tshabo ya sebele ya tshwaetso ya HIV/AIDS, le tahleho e akaretsang ya tlhompho ya seriti sa bophelo.
Baromuwa ba neng ba arotswe ka dihlopha ba ile ba tlaleha ka merero e tobaneng le ntshetsopele ya batjha, moo mekgatlo ya bodumedi le Mekgalto eo eseng ya Mmuso e ileng ya thoholetswa. Ho ile ha hlahiswa le mananeo a batjha le diwekshopo tse tsosolosang makgabane a boitshwaro. Ho ile ha ba le ditlaleho tsa mananeo a mahlale a boiphediso bophelong dikolong, mekutu e nkuwang ke merero ya batjha ya ho hlokomela maqheku le batho ba tshwerweng ke AIDS, ekasitana le mananeo a dipapadi.
Ntle le kananelo ya sena se etsuwang, ho ile ha ba le maikutlo a hore ho hlokeha dintho tse ngata ho feta mona, ho kenyeleditswe motheo wa ditsha tsa thupelo tse ngata ho feta tsa ntshetsopele ya batjha, le ho thaotha mekgatlo ya botjhaba le ya dipapadi hore e kenyeletsa batjha mesebetsing ya yona. Tlhahiso e nngwe e mabapi le ditsha tsa batjha e ile ya e ba ya borathuto ba seng ba behile meja fatshe hore ba ka fana ka nako ya bona ka moya wa boithaopo.
Boraditaba ha ba hole mane le rona. Ba dula le rona, ke ditho tsa malapa a rona ebile ke metswalle, mme le bona ba na le matswalo. Karohano e teng dipakeng tsa boraditaba le baahi setjhabeng ha mmoho le mmuso ke bothata bo hlokang hore bo tonelwe mahlo?
Taba e nngwe ke ka moo boraditaba ba fetohileng karolo ya botjhaba ba Amerika Leboya ka teng bo hapang ba rona. Motho o ka tadima setumo sa ditshwantshiso feela. Ho feta mona ke ka moo ho bontshwang haholo ka teng dintwa le thobalano dithelevesheneng. Tataiso ya Batswadi ha e a lekana, hobane bana ba bangata ba dula malapeng moo batswadi ba dulang ba le siyo.
Boraditaba ke batho ba bohlokwa tabeng ya hore ba fetise molaetsa wa tsoseletso ya boitshwaro. Ba na le bokgoni ba ho susumetsa mehopolo le ditabatabelo tsa setjhaba ka tsela e tebileng. Ka lebaka lena, thuo ya ditaba le tshekamelo ke ntho e lokelang hore e bonaletse mme e be le boikarabelo, bangodi ba ditaba ba lokela hore ba ikitlaheletse botshepehi le nnete mosebetsing wa bona. Mananeo a rona a theleveshene a lokela hore a bontshe haholo diketsahalo tsa kwano ho feta. Boraditaba ba lokela ho toboketsa ditaba tse kgothaletsang phetoho le phediso ya bofuma, le ho hlahisa batho ba nnete jwalo ka batho bao batjha ba rona ba ka latelang metsamao ya bona.
Ha se dihlopha kaofela tse ileng tsa tshohla taba ya seabo sa tumelo hore e ka fetola makgabane a phedisano ya rona, empa ho ile ha ba le boipiletso bo matla ba hore ho be le tshebedisano ekasitana le tlhomphano dipakeng tsa badumedi mosebetsing wa bona o kopanetsweng wa ho ntshetsa pele kgodiso ya boitshwaro. Dihlopha tsa ditumelo di lese ho ipapatsa ha mmoho le mekgatlo ya tsona mme di tsitlallele tlhokeho e holang, le e utlwahalang ka botebo bathong ba moya. Ketso ena e tla etsa hore badumedi ba be le nyehelo ntjhafatsong le ntshetsopeleng ya moya.
Boipiletso bo bong e ile ya e ba ba ho bopa selekane dipakeng tsa mmuso le mekgatlo ya tumelo boemong bohle, ho kgothaletsa kamano le karolelano ya mehlodi. Molao wa rona wa Motheo o dumellana le ho arohanya motheo wa tumelo le wa mmuso, empa sena ha se bolele tlhobohang, mme metheo e lokela hore e etswe ka morero wa ho matlafatsa tshebedisano, haholo boemong ba selehae.
Baetapele ba nkuwa ele batho bao mehlala ya bona e ka latelwang mme e lokela hore e be batho ba tshepahalang, ba kgonang ho ba e mehlala e metle ya boitshwaro. Moetapele ya lokileng o tla kgona ho tswaka tsebo ya batho ba habo rona le tsebo ya Bophirimela. Ke batho ba lokelang hore ba kgone ho amohela batho ntle le dikgomathisetso tsa letho, le ho amohela maikutlo a fapaneng, ke batho ba kgonang ho bontsha tlhompho e thehilweng hodima Ubuntu/Botho. Dikgeo dipakeng tsa baetapele le batho di lokela hore di kwalwe?
Maikutlo a latelang a leka ho hlahisa moya le maikutlo a baromuwa nakong eo ho neng ho thakgolwa dipuisano tsa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, le ho busulosa Lentswe la Batho. Lentswe lena le lokela hore le utlwahale ka ho hlaka le ka tsela e phefa. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke leeto jwalo ka ha e le sepheo?
Ho utlwa maikemisetso a Batho tabeng ya ntjhafatso ya boitshwaro e ne e le mosebetsi o tshwanang le wa 1995-6, ha ho ne ho amohelwa maikutlo a fetang milione ditherisanong tse batsi tsa naha tse lebisang popong ya Molao wa Motheo wa Afrika Borwa le Bili ya Ditokelo. Ke feela seabo se batsi ka moo ho ka kgonehang ka teng sa batho kaofela le mekgatlo ya setjhaba Lenaneong la Tshebetso se tla etsa hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o sebetse.
Ho fana ka temoso ka mohopolo wa ngwana wa ka ke ngwana wa hao mme motswadi wa ka ke motswadi wa hao?
Matlafatso ya diforamo tse teng tse ikarabelang kgothaletsong ya ditabatabelo tsa malapa le setjhaba.
Ho thakgolwa ha kopano ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ebile ketsahalo ya bohlokwa haholo, e bopang moelelo le dikahare tsa lenanelo la ditaba tsa selekane se pakeng tsa mmuso le baahi setjhabeng ntlheng ya boikemisetso ba ho bopa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla tshwarella ho ya ho ile le o tsepameng. Dipuisano tsena di ile tsa thusa ho hlahisa Lenaneo la Tshebetso la bohlokwa le qoholehileng Diprovenseng le Dikgwebong. Kopano ena e ile ya etsa hore baromuwa ba hlalose semelo sa bothata le ho tshohla dibopeho tse fapaneng tsa boitshwaro bo nyehlileng le mehato ya ho bopa hape makgabane le ditabatabelo tsa setjhaba Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Puisano tsena tse ileng tsa thakgolwa di ile tsa fihlela sepheo sa ho bokella bohlale bo kopanetsweng le ho hokanya, ho kopanya le ho tlatseletsa mananeo a ntseng a le teng kaofela, tsebo le disebediswa tsa moralo o lebileng motheong wa setjhaba se nang le boitshwaro, se natsang ditho tse ding tsa setjhaba le se hlokang bobodu. Dipuisano tsena tse ileng tsa thakgolwa ka molao Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro di ile tsa fana ka monyetla naheng wa sepalwangwang sa bohle seo ka sona re tla kgona ho ntjhafatsa le ho matlafatsa makgabane a rona le ho tsosolosa moya wa boikgantsho, seriti le tlhompho ya setjhaba sa rona?
Semelo sa dikarolo tse ngata tsa ditaba tseo dihlopha tse 10 di neng di tshwaranwe le tsona, le ditlhahiso tsa mehato e mengata ya ho rarolla mathata, di ile tsa hlahisa diphephetso tse fapafapaneng bakeng sa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o neng o sa tswa thakgolwa, ao Motlatsi wa Presidente a ileng a di hlahisa puong ya hae ha a ne a kwala.
Ho keke ha ba le tsoseletso ya boitshwaro ha Ma-Afrika Borwa a tlwaelehileng a sa fuwe sebaka sa hore e be bona ba kgannang mosebetsi. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o lokela hore o fumane tshebedisano ya monna e mong le e mong, mosadi, le ngwana boemong bo bong le bo bong ba naha ena hore ba kene lenaneong le qalang la mosebetsi wa dilemo tse nne.
Re lokela ho haella hodima mohlala wa batho ba bangata bao eleng mohlala ho ba bang bao re nang le bona mekgatlong yohle e le ho ba sebedisa jwalo ka batho ba ka kgothatsang batjha ba rona .. jwalo ka lebotho la bohlokwa leo ka lona re lokelang ho hlola ntwa ya dipelo, maikutlo le moya wa batho ba habo rona?
Katleho ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o sututswang ke batho e tla itshetleha haholo bonamong boo ka bona batho ba sebetsang mmoho ka teng maemong ohle a setjhaba.
Mananeo a teng hona jwale a lokela ho hokelwa moralong wa sephetho se hopotsweng se thehilweng hodima dinako tse behilweng mme a lokela ho hlokomelwa ka tsela e sebetsang.
Batho ba bangata ba ile ba kopa Diqeto tse nkilweng ha ho ne ho thakgolwa kopano ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, empa ha fumaneha hore seboka sena ha se sa mofuta oo. Ho ile ha fetiswa Dikhoutu tsa Boitshwaro le Diqeto tse ngata ho tloha nakong ya Seboka sa Boitshwaro sa 1998, empa bothata ha bo eso rarollwe. Tsoseletso ya Boitshwaro ha e fihlellwe ka dipuo tsa boemo bo hodimo, empa ka mehato ya selehae, mme baemedi ba ile ba furalla kopano ena e neng e thakgolwa ka qeto e le nngwe e bonolo: ho leba hae le ho ya etsa ho hong ho itseng ka Tsoseletso ya Boitshwaro hara batho ba tlwaelehileng.
Ho tloha mohlang monene, baemedi ba bangata ba ile ba kopana hape, ba mema ba bang ho kokanya matsoho le bona mme ba theha Dikomiti tsa Provense tsa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Bongata ba bona bo ile ba fumana tshehetso e ntle e tswang mekgatlong ya provense le ya mebuso ya selehae, mme mekgatlo e fapafapaneng ya baahi hara setjhaba e eketsa ho kenya letsoho mererong ena. Bongata bo etsa dihlophiseletso tse phethahetseng hore ho tle ho thakgolwe Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro diprovenseng dikgweding tse seng kae tse tlang.
Ho thakgolwa hona ho ile ha kgothaletsa mekutu e ikemetseng e ileng ya etswa Dikarong tse ngata, le dipuisano di tswela pele ho tlatseletsa le ho sebedisana le mekutu ena e etswang.
Ba bangata ba ile ba sibolla taba ya hore le ha ho le bonolo ho bitsetsa batho dikopanong, ha se mosebetsi o bobebe ho fumana hore mekgatlo e fapaneng e sebedisane mosebetsing wa ho fetola tsela eo setjhaba se nahang ka yona le boitshwaro. Ntwa ya ho fetola setjhaba sa rona e bolela ho haha botjha moya wa kopano le ho ba ngatana e le nngwe ka ona mokgwa wane o ileng wa kganna ntwa ya tokoloho ya setjhaba sa rona.
Boemong ba naha, Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro e ileng ya tsamaisa taba ya ho Thakgola dipuisano e se e hodisitswe hore e kenyeletse mekgatlo e mengatanyana, e thontshe le Lekalana la Bongodi ba Phethiso ho tsamaisa ditaba tsa letsatsi le letsatsi. Moifo wa tshebetso wa Naha o monyenyane o ntse o hlwauwa: Mohokanyi wa Naha ya tla tsamaisa mosebetsi, Mohokanyi wa Morero ya tla thusa Diprovense le Mekgatlo e hlokang thuso e itseng ho tsamaisa mesebetsi eo ba e nahanang le e kopanetsweng, le Bongodi bo tla kopanya dintho tsena kaofela.
Kgokahano ke ntho ya bohlokwa haholo, mme Komiti ya Tshebetso e theha websaete ho hlokomela hore batho kaofela ba dula ba fumana tsebo ya diketsahalo naha ka bophara, le ho rera Magazene wa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla sebetsa mosebetsi o tshwanang le ho kenyeletsa ditaba ka dipuo tsa lapeng.
Morero o tla kenyeletsa naha ena kaofela ditlhophiseletsong tsa Tjhata ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro eo haufinyana ho tla hlahiswa lesedi ka yona.
Seboka sa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro sa selemo le selemo se ntse se hlophisetswa kgwedi ya Mmesa 2003, seo ho sona ho tla nehelanwa ka dipehelo, ho arolelanwe le meralo mme ho kgethwe le Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Letoto la ditho tse feletseng le dinomoro tseo o ka di sebedisang ho ikopanyang le bona ka tsona di fumaneha ofising ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Tokomane e neng e tshohlwa ya Mmuso wa Afrika Borwa: Moralo wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Lesedi ka ba tla fana ka puo.
<fn>sot_Article_National Language Services_HO THONNGWA HA NKGETH.txt</fn>
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Musiamo wa Voortrekker.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Musiamo wa Voortrekker ke o mong o phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le diphuputso ho tsa nalane ya setho, boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng le tsebo e ikgethang ya tsa bojalefa tsa Voortrekker seZulu.
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Musiamo wa Ntwa Bakeng la Rephaboliki ya Maburu.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Musiamo wa Ntwa Bakeng la Rehaboliki ya Maburu ke omong o phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le diphuputso ho tsa nalane ya setho, boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng le tsebo e ikgethang ya nalane ya Ntwa ya Manyesemane le Maburu ya Afrika Borwa (1899 1902)?
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Musiamo wa Nelson Mandela.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Musiamo wa Nelson Mandela ke omong o phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le diphuputso ho tsa nalane ya setho, boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng.
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Musiamo wa Naha, Bloemfontein.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Musiamo wa Naha ke o mong o phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng le tsebo e ikgethang ya tsa bojalefa tsa mahlale ho tsa tlhaho, mahlale ho tsa setho le/kapa tsa botho.
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Musiamo wa Natal.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Musiamo wa Voortrekker ke o mong o phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng le tsebo e ikgethang ya tsa bojalefa tsa mahlale ho tsa tlhaho, mahlale ho tsa setho le/kapa tsa botho.
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
Ditho tse nang le kgahleho ho tsa bojalefa le setjhaba ka kakaretso di a mengwa ho thonya bonkgetheng ba loketseng ho ka lekolwa ke Letona la Bonono, Setho, Mahlale le Theknoloji ho ka kenngwa Lekgotleng la Galari ya Bonono ya William Humphrey.
Mesebetsi e ka sehlohong ya lekgotla e tla ba khiro ya basebeletsi, ho ralwa ha leano le moralo wa nako e telele bakeng la setsha. Galari ya William Humphrey ke e nngwe ya tse phatlaladitsweng e le setsha sa setho (PSS) se laolwang ke Molao wa Ditsha tsa Setho wa 119 (Molao wa 119 wa 1998). Ditsha tsohle tse phatlaladitsweng di lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa Molao wa Tsamaiso ya Tjhelete ya Setjhaba.
Bonkgetheng ba lokela ho ba le tsebo ya lekala la bojalefa, tsebo ya tsamaiso ya musiamo, tsebo e ikgethang ya tsamaiso le tsa ditjhelete, tsebo e ikgethang ya molao, tsebo ya papatso, bohokahanyi, phahamiso ya mokotla wa tjhelete, thuto, le boiphihlelo phanong ka ditshebeletso setjhabeng le tsebo e ikgethang ho tsa bonono.
c lengolo le tswang ho nkgetheng la kamohelo ya ho thonngwa; le d mabitso le dintlha tsa batho bao ho ka ikopanngwang le bona ba tsebang nkgetheng.
Letsatsi la ho kwala bakeng la ho thonya ke la 15 Pherekgong 2003.
<fn>sot_Article_National Language Services_Hela, Mokganni wa Tek.txt</fn>
D. E radilwe le ho hlahiswa ke ba Terasete ya Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Thuto bakeng la Lefapha la Dipalangwa?
Metswalle, ditekesi di fana ka tshebeletso ya bohlokwa ho rona maAfrika Borwa ohle. Re tshepetse ho lona hore le re fihlise re bolokehile moo re batlang ho ya teng! Fela na ditekesi tsa lona di bolokehile hakae?
Sheba dithaere tsa hao! Dithaere tsa hao di bohlokwa haholo. Hopola hore ke tsona feela disebediswa tsa kopanyang mmila le tekesi ya hao mmoho le bapalami ba yona?
Ke nnete. Re leboha keletso ya hao.
Dinakong tse ding tse ding tse fetileng, re ne re sa tsotelle ka polokeho. Fela re ikemiseditse ho phahamisa maemo a indasteri ya rona! Polokeho ya bapalami ke yona ntho ya pele lenaneng la rona.
Mme ka mora ho bua le lona, re tseba hore re tla qala kae tlhokomelo ya dithaere?
Ee, jwalo ka bapalami, maphelo a rona a matsohong a hao! Ka kopo hle, hopola hore malapa a rona a re hloka?
Malapa a lona a le hloka, le rona re a le hloka ekasitana le naha ya lona e a le hloka. Re ka se kgone ho lahlehelwa ke bophelo le ha e le bo le bong ka baka la bohlaswa le ho se tsotelle. Bapalami ba lokela ho tsamaiswa ka polokeho!
Re a leboha ka ho ela taba ena hloko!
Na ke wena enwa?
Re na le leeto le le telele.
Ke eng! O ke ke wa lekana moo?
E tla mme, o ka kgona!
E mong le e mong a itokise?
Ke kgolwa hore o lekotse dithaere tsa hao?
Dithaere Di teng kaofela nngwe, pedi, tharo di nne. Ee! Dithaere di lokile?
O na le dithaere tse hlano!
Ha o na thaere eo o tla e kenya ha e nngwe e ka senyeha?
Ee, ke na le yona!
Ho bapalwa ka lefu mona!
Mokganni enwa ha a tsebe letho ka polokeho ya dithaere!
Hangata dithaere ha di kengwe ka tshwanelo kapa ke tsa boleng bo tlase!
Dithaere tse petjhitsweng, tse fokolang, tsa kgale tse sa lekaneng di baka dikotsi?
Le tsona dithaere tse seng di fedile!
Dithaere tse sa lokang di ka nka maphelo a rona!
Ha ne e le hore bakganni bohle ba ka ithuta mesebetsi ya motheo ya ho kenya le ho hlokomela dithaere.
Ee, hoo ho ne ho tla bolokela bapalami ba bona ekasitana le bona ka bobona tjhelete hape ho etse hore ba dule ba thabile athe ka lehlakoreng le leng teng ho ne ho tla thibela le ho hlokahala?
O nepile. Beke e fetileng ke ile ka phatlohelwa ke thaere. Ka lehlohonolo ha ho ya ileng a lemala, empa thaere e ntjha e ile ya mpatla tjhelete e ngata.
E bile o lehlohonolo. Beke le beke batho ba hlokahala ka hobane bakganni le beng ba ditekesi ha ba kenye dithaere jhantle hape ha ba di hlokomele.
Na o batla ho etsa bonnete ba hore ha o rwale maikarabelo dikotsing kapa ho hlokahaleng ha batho?
Na o batla ho boloka tjhelete Lekola dithaere tsa hao! Ithute ho hlokomela dithaere tsa hao?
Re tshwanetse ho tseba dithaere tsa rona, re di lekole kgafetsa, re lokise diphoso ka pele mme re di boloke di le maemong a matle - dithaere tse petjhitsweng, tse fedileng, mme tse sa lekaneng di baka dikotsi!
Dithaere tsa hao di tshwana le solo ya dieta. Ka disolo tse thellang, tse senyehileng o ka thella wa itematsa.
Dithaere ha di kgone ho bua. Di ke ke tsa ho bolella hore di se di senyehile, hore di se di fokola kappa di se di tlilo phatloha.
Ka hoo ho tswa ho rona, beng le bakganni, ho lekola diphoso le ho di lokisa pele di ka baka mathata!
Dithaere tse mpe di nka maphelo le tjhelete.
Dithaere tse etseditsweng mesebetsi ya kgwebo di fapane le dithaere tse tlwaelehileng tsa ho rwala bapalami. Dithaere tsa bapalami tse tlwaelehileng ha di matla haholo ho ka sebediswa ke ditekesi tse rwalang batho.
Dithaere tse etseditsweng mesebetsi ya kgwebo di na le C ka mora nomoro.
Ha thaere e le e nyenyane haholo kapa e le e kgolo haholo, yona e ka tswa riming. E tshwanetse ho ba boholo bo tshwanetseng.
Botsa mohwebi wa dithaere hore ke boholo bofe bo tshwanetseng koloi ya hao, kapa bala bukana ya hao.
Kenya velofo e ntjha ha o kenya thaere e ntjha.
O se emele ho phatloha ho tla baka kotsi e mpe. Nako le nako ha o kenya thaere e ntjha, kenya le velofo e ntjha.
Ha rimi ya hao e senyehile, e ka etsa thare hore e tswe moya ka pele kapa thaere e tswe ho yona.
Lekola dirimi tsa hao kgafetsa. Ha e le hore ho na le tse senyehileng, di ntshe kapa di ise ho ya lokiswa ke motho ya nang le tsebo ya profeshenale.
Rimi e senyehileng e senya thaere ya hao mme seo se ka baka kotsi e mpe haholo.
Ho lekola kgatello ka mehla ha o tshela peterole le ho tlatsa moya wa dithaere ho di neha kgatello e tshwanetseng ho neha dithaere tsa hao bophelo ba nako e telele mme hona ho baballa tjhelete?
Bekeng ya ho qala ya bophelo ba thaere, thaere ya hao e ka ba bonolo ka potlako ka baka la ho se kengwe hantle le ka divelofo tse dutlang. Bakeng la beke e le nngwe o kentse dithaere tse ntjha, lekola kgatello ya moya letsatsi le letsatsi. Ka mora moo, lekola kgatello ya moya dithaereng kgafetsa.
Mokganni e mong le e mong o tshwanetse ho ba le sesebediswa sa hae sa ho lekanya kgatello. Disebediswa tsa ho lekanya tsa karatjheng e ka nna ba di na le diphoso.
Kgatello e sa nepahalang ya dithaere e baka dikotsi tse ngata tsa ditekesi. Lekola kgatello ya dithaere kgafetsa.
Dikotsi tse ngata tse mpe di etsahala hobane mokganni a ile a nahana hore o tla kgona ho tsamaya ntle le nate lebiding.
O se ke wa kganna ka nate e sa tiyang kappa ho se na nate lebiding.
Na tlhokomelo ena ya dithaere e ka se batle tjhelete e ngata?
O ka kenya dithaere tsa theko e tlase mme wa se a hlokomele fela hoo ho tla nka bophelo ba hao?
Hoo ke theko e hodimo ho feta dithaere tsa theko e phahameng tse hlokometsweng ka tshwanelo.
O se nahane hore dithaere tsa theko e tlase di lokile! Dithaere tsa theko e tlase - jwalo ka tse seng di sebeditse, tse lokisitsweng kapa tse kentsweng dilapa di ka nka bophelo ba hao le ba bapalami. O se ke wa kenya dithaere tse epilweng botjha di-tread kapa tse lapilweng?
Dithaere tsa theko e tlase di ho jela tjhelete qetellong di batla tlhokomelo e ngata mme ha di tshwarelle ho tshwana le tse ntjha. Dithaere tsa theko e hodimo di ka bitsa tjhelete e ka hodingwana, empa qetellong di ja tjhelete e nyenyane hobane di hlokomeleha ha bobebe mme di a tshwarella?
Ho tlatsa koloi ho feta tekano ho baka tshenyeho ya dithaere tsa hao mme di ka phatloha, tsa baka dikotsi le mafu.
O se nahane ka theko e tlase ya dithaere.
Nahana ka paballo ya dithaere!
Ke tlolo ya molao ho kganna ka dithaere tse boreledi tse se nang di-tread. Di-tread tsa thaere ya hao di lokela ho ba 1.6 mm ho potoloha. 1.6 mm ke bophara ba lehlokwana la mollo.
Ho tlatsa koloi ho feta tekano ho kotsi!
Tekesi e nngwe le e nngwe e dumelletswe ho rwala fela palo e itseng ya bapalami. Ha o fetisa palo eo, o senya mebila le koloi. O tlola molao mme o beha maphelo kotsing! O tla lefiswa.
Ke ho lefisa hore o tlatsitse koloi ho feta tekano!
Ke kopa laesense ya hao?
Na o ne o nwa?
Tswa ka hara koloi ya hao ke bone hore na e loketse tsela.
Ntho e nngwe le e nngwe e hloka tlhokomelo ha o batla hore e nke nako e telele.
Ha ho na molemo wa letho ho ba le koloi le dithaere tse ntle ka ho fetisisa ha o sa di hlokomele. Hape o batla ho tsamaisa bapalami ba hao ba bolokehile.
Tlhokomelo e baballa tjhelete. Ho se hlokomele ke se seng sa disosa tse kgolo tse bakang dikotsi mebileng ya rona. O se dumelle hore kotsi e latelang e be ya hao!
Tlhokomelo e bolela ho lekola le ho lokisa diphoso kgafetsa.
Na wena kapa bakganni ba hao le ipha nako ho etsa dintho tsena?
Tekatekanyo e mpe e hulela tekesi ka lehlakoreng le le leng.
Na o kile wa bona tekesi e tsamayang ka lehlakore jwalo ka lekgala Hona ho etswa ke tekatekanyo e mpe ya mabidi. O ka se kgone ho laola koloi ya hao ka tshwanelo. Hona ho baka dikotsi?
Hona ho o jela tjhelete athe hape tekatekanyo e mpe ya mabidi e qeta rabara ya dithaere tsa hao.
Tekatekanyo e mpe ya mabidi e qeta dithaere ka mokgwa o sa lekaneng mme e senya dibering. Ho ntsha tekesi ya hao tseleng ho ya e lokisa dibering ho bitsa tjhelete e ngata.
Lekalekanya mabidi a hao ha ho hlokeha!
Isa dithaere tsa ka pele morao mme tsa morao o di ise ka pele ka mora dikilometara tse 10 000. Hona ho etsa hore dithaere tsa hao di tshwarelle nako e telele.
Di-shock absorber tse fedileng di ka baka hore dithaere di fele ka pele ka dilapa. Qetellong hoo ho o jela tjhelete.
Di-shock absorber tse fedileng di sitisa steering mme moganni o ba le taolo e fokolang ya tekesi mme hona ho baka dikotsi?
O se ke wa pompa ho feta tekano?
Ho tlatsa moya ho feta tekano ho qeta di-tread mahareng a thaere. Thaere ya hao e tla phatloha, jwalo ka baluni.
Moya o monyenyane o etsa lethaere hore le tjhese haholo. Thaere e tjhesang e phatloha ha bonolo.
Bobedi, ho pompa dithaere ho feta tekano le ho di pompa hore di se be le moya o lekaneng ho baka ho phatloha ha dithaere.
Lekola kgatello ya moya kgafetsa letsatsi ka letsatsi ha o tsamaya maeto a matelele?
Ke ya utlwisisa!
Hlokomela haholo kgatello e tshwanetseng thaereng e nngwe le e nngwe!
Ho boheha e ka motswalle wa rona o na le mathata a thaere!
Nkabe a ile a re mamela!
Bapalami ba ka ke bao ba tsamaya!
Ke ka lebaka lang ke sa kenya thaere ena ka potlako?
Lekola dithaere tsa hao KA HLOKO. Etsa hoo kgafetsa!
Dithaere tse ntle di boloka tjhelete qetellong.
Ke bile sethotho ka ho se natse dithaere tsa ka!
Ha ke ne ke di lekotse kgafetsa nkabe ke qobile hona nkabe ke sa lahlehelwa ke bapalami?
Lokisa mathata pele a ho senyetsa nako, tjhelete le maphelo!
Ha thaere ya hao e phatloha, o se hate mariki ka pele. Fokotsa lebelo hanyenyane, o sebedisa dikere. Ema sebakeng se bolokehileng ka thoko ho mmila, hore o tjhentjhe thaere. Ka mehla tshwara thaere e nngwe e nang le moya o lekaneng ka thoko.
Kgona ho itaola ka bowena le koloi ya hao ka dinako tsohle.
Etsa hore dithaere tsa hao di lekolwe ka mora dikilometara tse ding le tse ding tse 10 000 ke setsebi sa ona mme o boloke koloi rekoto ya dikilometara le tlhokomelo ya dithaere.
Pele o tlosa koloi, e ya lenaneng lena le latelang la dintlha tse mabapi le koloi!
Na ditshupiso (indicators) le mabone a sebetsa?
Na mariki le mariki a letsoho a sebetsa?
Na steering se sebetsa hantle?
Na ho na le oli kapa metsi a dutlang?
Bakganni le beng ba ditekesi! Sebedisang lenane lena ho etsa bonnete ba hore dithaere tsa hao di maemong ao di lokelang ho ba ho ona.
Na dithaere tsa hao ke tsa tshebetso tsa kgwebo?
Na boholo ba thaere ya hao bo lekane rimi ya yona?
Na rimi ha ya senyeha?
Na ho na le matshwao a ho tsofala, jwalo ka ho petsoha le ho epeha?
Na thaere e nngwe le e nngwe e tlatsitswe moya ka kgatello e lekaneng?
Na dinate tsa dithaere di madulong e bile di bofuwe ka thata?
Na o lekotse alaenemente le tekatekano ya dithaere?
Na o tjhentjhile dithaere tsa hao ka mora dikilometara tse 10 000 tse fetileng?
Na o batla ho etsa bonnete ba hore wena le bapalami ba hao le bolokehile, kgwebo ya hao e a atleha mme ha o tlole molao Hlokomela dithaere tsa hao?
Tlhokomelo ya dithaere = ke paballo ya tjhelete le thibelo ya dikotsi!
Dikotsi tse ngata le ho hlokahala mebileng mme di ka be di thibetswe?
Ka ho lekola, ho hlokomela le ho baballa dithaere tsa hao.
Bakganni le beng ba ditekesi ba hlokomelang dithaere tsa bona ba ka thibela dikotsi le mafu. Beng ba ditekesi ba kgothaletsang bakganni ba bona ho hlokomela dithaere tsa bona ba ka thibela mafu, ba une molemo wa tjhelete, mme ba fetole tshebetso tsa kgwebo ya ditekesi.
Ha re fediseng mafu mebileng ya rona hona jwale!
Ka hara buka ena o ka fumana ka moo o kenyang dithaere tse nepahetseng, ho ba le kgatello e nepahetseng ya moya ka thaereng, wa qoba diphoso tse tlwaelehileng, mme o phahamise maemo a tlhokomelo ya ditekesi.
<fn>sot_Article_National Language Services_Ho rarolla Tshibollo.txt</fn>
CPSI e tsebisa ka Dikgau tsa bone tsa selemo le selemo tsa Tshibollo tsa Lefapha la Setjhaba tsa CPSI. Maikemisetso a dikgau ke ho ntshetsa pele le ho kgothaletsa tshebeletso e ntle ya tshibollo mokgeng wa mmuso le kabong ya ditshebeletso. Dikgau di ela hloko diprojeke tse atlehileng le tse sebetsang hantle haholo tsa kabo ya ditshebeletso le tshibollo e fihletsweng ka ho sebedisa mekgwa le disebediswa tsa tshibollo.
CPSI e batla ho keteka dikatleho tsa batho, tsa dihlopha le tsa mafpaha bakeng sa ho fihlela puso e sebetsang hantle haholo hape e nang le boikarabelo. CPSI ke mosebetsi o qadilweng ke Letona la Ditshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso, o theilweng bakeng sa ho hlwaya, ho tshehetsa le ho matlafatsa tshibollo ditshebeletsong tsa mmuso, ka maikemisetso a ho ntlafatsa kabo ya ditshebeletso.
Dikgau di fana ka dibaka tsa kabelano ya tlhahisoleseding, thuto ya boiphihlelo, tshebedisano le tlhahiso ya mesebetsi e atlehileng.
Letsatsi la ho qetela la ditlhahiso ke 29 Loetse, 2006.
Projeke e tshwanetse ho thehwa kapa be e hlahisitswe mona ka hara naha ya Afrika Borwa.
Diprojeke di tshwanetse ho tswela Maafrika Borwa molemo ka ho toba.
Dikgau di buletswe mafapha a mmuso (ditshiya tsohle tse 3 tsa mmuso) le tshebedisano pakeng tsa setjhaba, mekga ya poraefete le/kapa baahi kapa mekga ya baahi.
Projeke e tshwanetse ho sebetsa mmusong (mafapheng a naha le a diprovense kapa ho bomasepala).
Projeke e tshwanetse hore be e na le dilemo tse 2 kapa ka hodimo moo e le teng.
Diprojeke tsa tshibollo tsa kabo ya ditshebeletso tse amang mmuso wa Afrika Borwa ka tshebedisano le mmuso o mong wa SADC.
Kakanyo ya Tshibollo kapa mohopolo o kentsweng tshebetsong ka katleho. Hona ho bolela mokgwa o kileng wa lekwa pejana.
Tshibollo ka hore ke ntho ya ho qala mona Afrika Borwa kapa matjhabeng?
Ho bontsha dintlafatso tse bonahalang ho boleng ba ditshebeletso tse abetsweng dihlopha tsa tsona tse shejilweng haholo; le ho kgona ho bontsha maemo a kgotsofalo ya dikhastama ka ditshebeletso.
E bontshe sephethosa bonahalang, e ka ba ka hara mokgatlo oo e tswang ho ona, kapa ka hara mokga, kapa setjhabeng ka kakaretso.
E be le sephetho se bonahalang hape se tlisang tshepo ka hara Afrika Borwa.
E bile tshebedisong dilemo tse pedi lefapheng la setjhaba.
E bontshitse bokgoni ba yona ba phethahatso, mme ho tshwanetse hore ho be le matla a kgolo phethahatsong.
E bontshitse bokgoni ba ho tswela pele, ke hore, bokgoni ba yona ba ho pholoha le ho atleha bokamosong (ikonoming le ntlheng e nngwe e tshwanetseng). Sephetho sa phedisano, ikonomi le tikoloho sa tshibollo morerong wa ka ntle se tshwanetse ho ba se etsang hore ho be le tswelopele lefatsheng lohle.
Thupelo ya tsamaiso ya Tshibollo ho bahlodisani bohle e le ya boleng ba R20 000 (diranta tse dikete tse mashome a mabedi).
Mosibolli wa selemo o amohela 30 000 (diranta tse dikete tse mashome a mararo) ya leeto la ho ya ithuta dinaheng tsa matjhaba / hara naha.
Bahlodisani bohle ba fihleng ho makgaolakgang ba amohela setifikeiti mme bafenyi ba amohela mohope.
Bahlodisani bohle ba fihleleng ho makgaolakgang ba na le monyetla wa ho kenela Lenaneo la Ntshetsopele la Phethahatso la Taolo ya Tshibollo.
Batho bohle fihleleng ho makgaolakgang mmoho le bafenyi ba ile ba mengwa o kenela moketjana wa dikgau le balekane ba bona. Ditshenyehelo tsa bodulo le tsa leeto ke tsa CPSI.
Ho kenela dikgau tsa maemo tse pedi tsa matjhaba e leng tsa CAPAM le tsa UN.
Papatso: Bahlodisani bohle ba leng ho makgaolakgang mmoho le bafenyi ba ka lebellwa ho kenela dipuisano ka diprojeke tsa bona tlasa lenaneo la mmuso la BATHO PELE mmoho le ntshetsopele ya kabo ya ditshebeletso.
Ditlhahiso di tshwanetse ho ba ka Senyesemane.
Foromo ya tlhahiso e tshwanetse ho tlatswa ka nepo mme e be le tlhahisoleseding le dintlha ka botlalo.
Ditlhahiso tsa ho ngolwa ka letsoho ha di kgothaletswe, empa ha hona ho ke ke ha qojwa, ngola hantle ka ho hlaka.
Ke ditlhahiso tse rometsweng ka e-meile, tse positsweng le tse tlisitsweng ka letsoho feela tse tla amohelwa. Diforomo tsa tlhahiso tse rometsweng ka fekse di ke ke tsa amohelwa.
Ha ho hlokehe hore ho romelwe methiriele kapa ditokomane tse tshehetsang ka nako ya kopo. Baahlodi ba ka di hloka boemong ba netefatso.
Disampole (di-video, dikgatiso, dibroutjhara, di-CD/di-DVD) di ke ke tsa kgutlisetswa beng ba tsona.
Dimpho di ke ke tsa fetisetswa ho ba bang.
Baahlodi le metswalle ya bona ha ba tshwanela ho kenela dipuisano tse mabapi le ditlhahiso.
Tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona foromong ya tlhahiso le nakong tsa tshebetso ya netefatso e tlama semolao.
Ditlhahiso di tla ahlolwa ke phanele ya baahlodi ba kgethuweng.
Moo ho hlokehang, ho tla iteangwa le batsamaisi ba projeke bakeng sa tiisetso, mme hona ho ka etswa ka e-meile, mohala, ka puisano le motho ka sebele le /kapa ka ketelo ya sebaka.
Baahlodi ba na le tokelo ya ho isa tlhahiso boemong bo tshwanetseng.
Ditlhahiso tsohle ananelwa mme di fuwe nomoro ya referense ya CPSI.
Lebitso la Mokgatlo / ya kenetseng:...
Mofuta wa mokgatlo:...
Lebitso la projeke e kenelang dikgau:...
Diprojeke tsa tshibollo tsa kabo ya ditshebeletso tse kenyelletsang mmuso wa Afrika Borwa ka tshebedisano le mmuso o mong wa SADC.
Lebitso la motho eo ho ka iteangwang le yena:...
Aterese ya poso:...
Aterese ya bodulo:...
Mabitso a moifo o mong wa projeke?
Kakaretso ya Projeke: Ke ka baka lang ho qadilweng projeke Projeke e na le dilemo tse kae e sebetsa Projeke e ikemiseditse ho fihlela eng Projeke e rarolla mathata afe E na le tshibollo efe kapa e sibolla jwang (Boholo ba mantswe a 500)?
Dikatleho: Dintlha tsa bohlokwa / dikatleho tsa projeke ke dife?
Bokgoni ba ho tswela pele le ho iphetapheta: Na projeke e ntshetswa pele le ho phetaphetwa jwang Hlalosa ka moo mosebetsi wa lona o ka ntshetswang pele le ho phetwaphetwa ka teng, kapa o ntseng o ntshetswa pele le ho phetwaphetwa ka teng nqeng e nngwe, ho kae le teng ke bo mang Fana ka bopaki ba tshebetso/diprojeke tse tswelang pele le tse phetaphetwang. (Boholo ba mantswe a 500)?
Diphepetso le dithuto: Ke diphepetso dife tseo projeke e tobaneng le tsona Ke dithuto dife tse bohlokwa tse ka abelanwang le ba bang (Boholo ba mantswe a 500)?
Re kopa hore o hlalose le ho bontsha ka moo projeke ya hao e fihlelang maemo a Dikgau malebana le karolo eo o e kenetseng. (Boholo ba mantswe a 200).
Na projeke e ile ya amohela tshehetso ya ditjhelete/tjhelete/tshehetso, mme tjhelete eo e ne e le bokae Bolela tjhelete le batshehetsi ba ditjhelete?
Ha projeke e ka fenya, na tjhelete e tla sebedisetswa eng?
Ke mananeo afe a mang a dikgau ao projeke e a kenetseng?
Na projeke e ile ya kenela dikgau tsa CPSI pejana Ha ho le jwalo, ka selemo sefe?
Na o utlwetse kae ka dikgau tsena?
Tiisetso ya projeke.
Nna, (Sefane le thaetlele) ke dumela hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona tokomaneng ena e nepahetse hape e ananetswe ke ... (Mabitso ka botlalo le thaetlele).
Nna /rona re dumela ho ikobela melawana ya Dikgau tsa Tshibollo tsa Makala a Mmuso tsa CPSI.
Mabitso ka botlalo:...
<fn>sot_Article_National Language Services_JUSTICE COLLEGE.txt</fn>
Ha ho karolo ya tokomane ena e ka hlahiswang botjha kapa ya tsamaiswa ka sebopeho sefe kapa sefe kapa mokgwa ofe kapa ofe ntle le tumello e hlokehang e ngotsweng.
Karolo ya Ngwana..
Molawana wa 2: Ha ho molekane, empa ho na le ba leloko..
Molawana wa 3: Molekane kapa balekane, le ba leloko.
Molawana wa 5: Ha ho molekane kapa ba leloko, motswadi ya mong o a phela, motswadi ya timetseng o siile ba leloko..
Molawana wa 6: Ha ho molekane kapa ba leloko, motswadi ya mong o a phela, motswadi ya timetseng ha siya ba leloko.
Molawana wa 7: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi batswadi ka bobedi ba siile ba leloko?
Molawana wa 8: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi motswadi a le mong o siile ba leloko?
Molawana wa 9: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi ha ho motswadi ya siileng ba leloko?
Tlhahlamano ya mafa moo mofu a sa siyang taelo ya kabo ya mafa e laolwa ke Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya Mafa moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa o qadileng ho sebetsa ka la 18 Tlhakubele 1988 ebile o sebetsa bathong ba shwang ba hloka taelo ya kabo ya mafa a bona (ka ho phethahala kapa karolo ya teng) mohla oo kapa ka morao ho moo.
a Ha mofu a hlotswe ke ho laola hore mafa a hae a tsamaiswe jwang ka taelo eo a siyang a e ngotse kapa ka kontraka ya lenyalo leo eseng la kopanelo ya thepa; kapa b Moo ho leng boima ho phethahatsa ditakatso tsa mofu hobane bajalefa ha ho tehwa mohlala, ha ba kgone ho fumana mafa kapa ha ba battle ho fumana letho kapa ba ile ba hlokahala pele ho mofu.
Ho na le monyetla wa hore motho a ka hlokahala a sa siya taelo ya ka moo mafa a hae a lokelang ho ajwa ka teng kapa karolo e nngwe ya mafa a hae e hloka taelo ya ka moo e lokelang ho ajwa ka teng. Mohlala wa ntlha ya qetelo ke moo mofu a abang karolo ya mafa ho latela taelo ya hae e sebetsang, empa a lebalang ho kenyeletsa masalla a mang a mafa a hae. Moo ho leng tjena karolo e abilweng ho latela taelo ya mofu, e tla tsamaiswa ho latela dipallo dife kapa dife tse teng taelong ya mofu, ha masalla a mafa a tla tsamaiswa ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu.
Pele ho qeto ya Bhe le Ba bang thulanong le Maseterata wa Khayelitsha le Ba bang, Nyeweng ya Nomoro ya 49/03 e ileng ya dihuwa ke Lekgotla la Molao wa Motheo ka la 15 Mphalane 2004 melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu e ne e sa sebediswa bathong ba batsho ba hlokahetseng ba se na taelo ya kabo ya mafa a bona ebile ba nyalane ka molao wa setso wa Sesotho. Qeto ya Bhe jwale e fetotse sena, nakong ya hona jwale kabo ya mafa ya batho kaofela ho sa natswe botjhaba kapa setso sa bona, ba hlokahalang ntle le taelo ya kabo ya mafa a bona e se e tla laolwa ke melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ho latela ka moo e hlahang ka teng Molaong wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Pele ho tshohlwa melawana ya tlhahlamano ya mafa ya moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa ke ntlha a bohlokwa ho hlalosa mantswe kapa mehopolo e itseng ao eleng motheo wa kutlwisiso ya melawana ena.
Ka morero wa ho latela ditlhaloso, ka stirpes ho hlaloswa ngwana ya setseng a phela wa mofu ha mmoho le ngwana ya phelang wa leloko wa ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu. Ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu ya nang le ngwana a le mong kapa bana ba fetang moo ba phelang ba leloko ba bopa karolo e le nngwe ya stirpes.
Mohlaleng ona o latelang mofu o na le stirpes tse tharo, e leng A, C le D.
C ke karolo ya stirpes hobane ke yena ngwana ya setseng wa mofu, ha A le D e le karolo ya stirpes hobane ke bana ba setseng ba leloko. B ha se ngwana wa leloko ya setseng mme ka hoo ha se karolo ya stirpes.
Boemedi bo etsahala, ha ho tshwanelehile le ha ho kgoneha, haeba sebaka sa mojalefa ya sa kgoneng ho fumana lefa kapa ya sa batleng lefa, se nkuwa ke e mong wa bana ba leloko la hae.
Mohlaleng o ka hodimo, D le F ba tla emela ngwana ya hlokahetseng pele wa mofu, C, ha feela ba sa fumanwe ba loketse ho ka hapa lefa la mofu.
Ho latela karolo ya (f) ya Molao wa 1987 wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, jwalo ka ha o fetotswe ke qeto ya Bhe, karolo ya ngwana e balwa ka ho arolwa ha boleng ba tjhelete ba Mafa ho latela palo e lekaneng ya bana ba lokelwang ke ho fumana mafa a mofu - stirpes (ke hore palo ya bana ba mofu ba ntseng ba phela kapa ba ileng ba hlokahala pele ho mofu empa ba na le ba leloko ba ntseng ba phela) ha mmoho le palo ya balekane ba mofu ba salang ba phela.
Ha re teha mohlala mona, boleng ba tjhelete ba mafa a mofu ke R500 000 mme mofu o na le bana ba bararo ba salang ba phela ka morao ho lefu la hae ha mmoho le basadi ba babedi ba nyetsweng ka lenyalo la setso. Palo ya karolo ya ngwana e tla ba: R500 000 5 (3 stirpes + basadi ba 2) = 100 000. Seabo sa ngwana e tla ba R100 000?
Ho latela karolo ya 1 (d) ya Molao wa Tlhahlamano wa Mafa wa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa boemo ba kamano ya madi ya mofu le mofu bo ka arolwa ka dihlopha tse pedi, eleng boemo ba kamano ka mokgwa o otlolohileng le boemo ba kamano ka mokgwa o hlahang ka mahlakoreng.
Mokgweng o otlolohileng, boemo ba kamano bo lekana le palo ya meloko dipakeng tsa ba ka sehloohong (baholoholo) le mofu kapa wa leloko le mofu (ho tla tswa feela hore dintho di eme jwang).
Batswadi le bana ba mofu 2 nd ba amana le mofu boemong ba pele.
Kamanong e hlahang ka mahlakoreng, boemo ba kamano bo lekana le palo ya meloko dipakeng tsa kamano ya madi le moholoholo ya haufi wa bona kaofela, ha mmoho le the palo ya meloko dipakeng tsa moholoholo ya jwalo le mofu.
C & D, baholoholo ba timetseng pele ho mofu, ke baholoholo ba haufi ba J le E (mofu). J o amana le mofu boemong ba bohlano.
Kabo ya mafa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya mafa a hae e ka akaretswa ka melawana e robong.
Ha mofu a siya molekane kapa balekane, empa ho se na moloko o mong o setseng- molekane kapa balekane ke bona bajalefa ba le bang. Moo mofu e ne e le monna wa manyalo a fapaneng a setso, basadi ba hae ba setseng ba tla hapa mafa a hae ka ho lekana.
Mohatsa mofu ya setseng ke yena feela eo e tla ba mojalefa wa lefa le hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, ho sa natswe hore boleng ba mafa ke bokae.
Ha balekane ba ne ba nyalane ka kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o tla fumana halofo ya ya lefa ka lebaka la lenyalo la kopanelo ya thepa le halofo e le nngwe ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
Haeba balekane ba ne ba nyalane ka ntle ho kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o tla hapa mafa ao kaofela ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
A & B = batswadi ba mofu; E = mofu; C le D = balekane lenyalong la setso la mofu.
Ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987, ho latela ka moo o ileng wa fetolwa ka teng ke qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ya nyewe e neng e hlahletswe ke Bhe le Ba bang thulanong le Maseterata wa Khayelitsha le Ba bang, balekane ba babedi ba mofu (C le D) ba tla abelwa karolo tse lekanang tsa lefa, ho tehetswe ka thoko ba bang bohle ba lelapa. Haeba mofu a siya basadi ba fetang bobedi ba lenyalo la setso mme ho se na ba bang ba leloko ba setseng, balekane bana kaofela ba tla abelwa lefa ka ho lekana.
Haeba mofu a siya ba leloko mme a hloka molekane ya phelang ba leloko ba tla abelwa lefa ka mokgwa wa boemedi wa stirpes?
Bana ba mofu, D, E le F ba tla abelwa lefa ka ho lekana. Hobane E o hlokahetse oele ho mofu, ba leloko la hae, J le K ba tla mo emela mme ba fumane karolo ya hae ka ho abelwa ka tekano.
Bana ba mofu kaofela ba na le tokelo ya ho abelwa lefa la hae. Ha ho tsotelehe hore ba tswa lenyalong la setswelopele, lenyalong la setso, ba ile ba tholwa kapa ke bana ba kantle ho lenyalo.
Ho latela karolo ya 1 ya -- Molao wa tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa a mofu taba ya ngwana ya hlahileng kantle ho lenyalo ha e na tshusumetso boemong ba matla a madi a le mang bakeng sa ho abelwa lefa mafeng a moo ho hlokehang taelo ya kabo ya mafa a mofu ho ba kamano ya madi.
Haeba mofu a siya molekane kapa balekane le ba leloko molekane kapa balekane ba tla abelwa karolo e kgolwanyane ho R125 000 molekane ka mong kapa bakeng sa seabo ngwana ka mong, ba leloko ba tla abelwa masalla, haeba a le teng bakeng sa stirpes ka seng mme le boemedi bo dumeletswe?
Haeba boleng ba mafa bo le ka tlase ho R125 000, molekane ya setseng, mohlaleng o ka hodimo, (S) o tla abelwa mafa kaofela, ho beheletswe ka thoko bana le ba bang ba leloko.
Haeba mofu e ne e le monna lenyalong la sethepu moo ho nang le balekane ba fetang bonngwe mme ho na le basadi ba hae ba fetang bonngwe ba ntseng ba phela, mme boleng ba mafa bo le ka tlase ho R125 000 basadi ba phelang ba tla abelwa ho se setseng ka ho lekana, ho tehetswe ka thoko bana le ba leloko ba lelapa leo.
Haeba se setseng kabong ya mafa se feta R125 000, molekane ya setseng o tla abelwa tjhelete e etsang R125 000 kapa seabo sa ngwana, ho tla tswa feela hore e ka hodimo ho feta ke efe, mme e setseng e tla arolelwa ba leloko ba mofu ho latela mokgwa wa stirpes mme le boemedi bo dumeletswe. Ha molawana ona o sebediswa mohlaleng o ka hodimo, o tla bolela hore F, G le D ba tla abelwa tjhelete e setseng. Hobane D ke ngwana ya hlokahetseng pele ho mofu, seabo sa hae se tla arolelwa ka ho lekana ba moloko wa hae, H le I. Haeba D ha a siya mang kapa mang lelokong la hae, seabo sa hae se tla arolelwa bana ba bang ba mofu, mohlala F le G.
Haeba ho setseng hore ho arolwe mafeng ho feta R125 000 mme mofu a siile molekane ya fetang a le mong (ena e sebetsa moo mofu e neng e le molekane wa mosadi a fetang a le mong lenyalong la setso), mona molekane ka mong o na le tokelo ya ho fumana seabo sa ngwana kapa R125 000, ho se ho tla tswa feela hore karolo e kgolo ho feta ke efe, pele ho arolwa eng kapa eng e setseng ya mofu mme e arolelwa ba leloko la hae.
Hopola hore haeba balekane ba ne ba nyetswe ho latela lenyalo la kopanelo ya thepa, molekane ya setseng o ne a tla fumana halofo ya mafa ho latela matla a lenyalo la kopanelo ya thepa le halofo e nngwe ho latela karolo ya 1 (a) ya Molao wa 81 wa selemo sa 1987.
Batho ba nyetseng ho latela tlwaelo tsa bodumedi ba Muslim le Hindu ba lokela ho nkuwa ba nyetse mme ba na le tokelo ya ho fumana seabo sa mafa a molekane ya hlokahetseng ho latela Molao wa Tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa a hae. Molawana ona o sebetsa feela moo lenyalo e leng la monyaduwa a le mong. Ba boetse ba na le tokelo ya ho tseka tjhelete ya tlhokomelo ya boiphediso ho molekane wa bona eo eleng mofu. Tadima Daniels thulanong le Campbell NO le Ba bang 2004 SA 331 (CC).
Moo mofu a shwang a siile karolo ya taelo ya kabo ya mafala mme karolo e nngwe e setse e hloka taelo ya kabo ya mafa, tjhelete eo molekane ya setseng a e fumanang ho latela taelo ya kabo ya mafa e behellwa ka thoko ha ho balwa tjhelete e setseng e hloka taelo ya kabo ya mafa ao molekane ya setseng a lokelang ho a fumana ho latela Molao wa 81 wa selemo sa 1987 ho atela In re MacGillivrays Will 1943 WLD 29 at 40?
Haeba mofu a siya ho se na molekane kapa e mong wa ba leloko empa ho sala batswadi ka bobedi ba ntse ba phela batswadi ba tla abelwa dikarolo tse lekanang?
A & B = batswadi ba mofu; C = ngwana e motona wa habo mofu; E = mofu; S = molekane wa hae ya timetseng pele ho mofu.
Mohlaleng o ka hodimo, A le B, batswadi ba mofu, ba tla abelwa mafa ka ho lekana, ho beheletswe ka thoko batho ba bang ba habo mofu.
Lemoha hore ha ho na phapano tabeng ya hore batswadi ba mofu ba nyalane, ba arohane kapa ha ba eso nyalane ho hang.
Ho latela mabaka a tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa, batswadi ba mofu ke batswadi ba hae ba tlhaho (ntle le ha mofu a ne a ile a tholwa ke motho e mong ntle le batswadi ba hae ba tlhaho) le batswadi ba ileng ba itholla yena. Lemoha hore haeba mofu o ne a thotswe mme batswadi ba hae ba tlhaho ba nkuwa e se batswadi ba hae.
Batswadi ba bahlokomedi ba ngwana ya sa hodiswang ke batswadi ba hae ha se batswadi ba mofu ho latela mabaka a tlhahlamano ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Haeba mofu a sa siye molekane ho se na ba leloko empa ho sala motswadi a le mong, moo motswadi wa mofu a siileng ba leloko motswadi ya setseng o tla abelwa halofo ya mafa, mme ba leloko ba motswadi wa mofu ba tla fumana halofo e nngwe?
A = motswadi wa mofu; B = motswadi ya hlokahetseng pele ho mofu; C = ngwana e motona habo mofu; D = ngwana wa habo ka lekeke moshanyana kapa ngwanana; E = mofu; S = molekane ya hlokahetseng pele ho yena.
Mohlaleng ona, A eleng motswadi wa mofu ya setseng o tla fumana halofo e le nngwe ya kabo ya mafa, ngwana wa habo mofu e motona, C le ngwana wa habo ka lekeke e ka ba moshanyana kapa ngwanana D, o tla fumana halofo e nngwe ka diabo tse lekanang. C le D ba tla amohela halofo ya seabo eo motswadi wa mofu a neng a tla e abelwa ha a ne a phela.
Haeba mofu a se na molekane kapa ba leloko la hae empa a siya motswadi a le mong, ha motswadi wa mofu a sa siya mang kapa mang wa ba leloko e mong motswadi ya setseng ke yena mojalefa feela?
Mohlaleng ona A, motswadi wa mofu o a phela, ke yena feela mojalefa.
Haeba mofu a sa siya molekane kapa ba leloko kapa batswadi, ha batswadi ba hae ka bobedi ba bona ba na le ba leloko ba setseng ba leloko la batswadi ba hlokahetseng pele ho mofu ba tla fuwa diabo tse etsang halofo tse neng di tla be di fuwe batswadi ka ho fapana?
Hobane mofu o ne a hloka molekane, ba leloko la hae kapa batswadi, mafa a arolwa dikoto tse pedi tsa dihalofo Mme o fumana halofo Ntate o fumana halofo e nngwe. Seabo sa halofo sa motswadi ka mong se arolelwa ba leloko la mofu. Mohlaleng o ka hodimo seabo sa A se tla abelwa C eo e leng ngwana wa hae a le mong ya phelang, ha seabo sa B se tla arolelwa C le D ka ho lekana. C o tla abelwa lefa le tswang ho A le B, ha D yena a abelwa lefa la B?
Molawana wa 8: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi, motswadi a le mong o siile ba leloko.
Haeba mofu a sa siya molekane, ba leloko la hae kapa batswadi, ha e mong wa batswadi ba hae ba shweleng pele ho yena ba siile ba leloko ba leloko la motswadi enwa ya siileng ba leloko, ke bona bajalefa?
Mohlaleng o ka hodimo batswadi ba mofu ka bobedi ba hlokahetse mme motswadi a le mong, e leng B, o siile ba leloko. D, ngwana habo mofu ka lekeke ke yena ya tla abelwa mafa ohle.
Molawana wa 9: Ha ho molekane, ba leloko kapa batswadi, ha ho motswadi ya siileng ba leloko.
Haeba mofu a sa siya molekane kapa ba leloko kapa batswadi kapa ba leloko la batswadi e mong ya haufi ya amanang le bona ka madi ke yena ya tla fuwa lefa?
Mohlaleng o ka hodimo, F, malome wa mofu, ke yena ya nang le kamano e haufi ya madi, hobane a amana le mofu bohatong ba boraro, ka hoo o tla abelwa mafo ohle a setseng a lokelang ho ajwa. G o amana le E boemong ba bone mme H o amana le E boemong ba bohlano. G le H ba keke ba abelwa letho la E.
Motho a ka nna a hlokahala a sa siya taelo ya kabo ya mafa a hae ebile ho se na motho ya setseng ya kgonang ho abelwa mafa a hae.
Ho latela molao wa rona o tlwaelehileng, moo ho leng jwalo Mmuso o nka lefa le jwalo le hloka beng ba lona (bona vacantia). Taba ena jwale e laolwa ke dikarolo tsa 35 le 92 tsa Molao wa 66 wa selemo sa 1965 wa Tsamaiso ya kabo ya Mafa. Mohato ke hore moo ho sa tsejweng bajalefa ba lefa le hlokang taelo ya mofu ya kabo, molaodi wa kabo ya mafa o fetolela tjheleteng mafa ana a hlokang taelo ya mafo ya kabo mme ka morao hoba a lefe melato ya mofu, o lebisa tjhelete e setseng Letloleng la Mahlokomedi (Guardians Fund). Ha ho se na motho ya kgonang ho bontsha hore o tshwanelwa ke ho lefuwa jwalo ka mojalefa wa lefa le hlokang taelo e siilweng ke mofu, ka morao hoba ho fete dilemo tse 30 tjhelete ena e lefuwe Letloleng la Mohlokomedi, tjhelete ena e fetoha ya mmuso?
Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o phatlalatsa dintlha tse mabapi le tjhelete ya mafa a setseng a hloka taelo ya mofu a lefuweng Letloleng la Mohlokomedi kgafekgafetsa phatlalatsong e sa tlwaelehang ya Koranta ya Mmuso e le hore batho ba nang le thahasello ba tle ba kgone ho e tseka jwalo ka bajalefa ba lefa la bafu ba amehang.
Dikarolo tsa 1 le 1 di ile tsa hlahiswa Molaong wa 81 wa selemo sa 1987 wa Molao wa Tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu o Fetotsweng wa 43 wa selemo sa 1992, mme wa qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Mphalane 1992.
Karolo ya 1 e tsepamisa hore: Haeba wa leloko la mofu, ho beheletswe ka thoko ngwana ya ka tlase ho dilemo kapa wa leloko ya kulang kelellong, eo ha mmoho le molekane ya setseng wa mofu, a nang le tokelo ya ho una molemo lefeng le hlokang taelo ya mofu a hana tokelo ya ho fumana molemo o jwalo, molemo o jwalo o tIa fuwa molekane a setseng.?
b Mojalefa ya batlang ho nehelana ka tokelo ya hae ya ho una molemo ha a lokela hore e be motho ya ka tlase ho dilemo kapa ya kulang kelellong.
c Mojalefa le molekane ya setseng wa mofu ba lokela hore bobedi ba be le tokelo ya ho una molemo ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a mofu ya sa siyang taelo ka kabo ya mafa a hae.
d Molekane ya setseng o tla fumana lefa la mojalefa ya sa le batleng.
Wa leloko (R25 000) Wa leloko?
Karolo ya 1 : Ha motho a qheletswe ka thoko hore e se be mojalefa lefeng le hlokang taelo ya mafu ya kabo, kapa a hana ho una molemo wa tokelo ya hae, ho latela dipallo tsa karolwana ya , lefa le tla ajwa jwalo ka ha e ka o ile a timela hang pele ho lefu la mofu, mme moo ho lokelehang, ho tla sebetswa jwalo ka ha e ka o ne a sa qhellwa ka thoko.?
a Mojalefa ha a felle feela ho wa leloko la mofu.
b Mojalefa o lokela hore a qhellwe ka thoko kapa a hane molemo oo a neng a loketswe ke hore a o une ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu.
c Ha mojalefa a qheletswe ka thoko kapa a hanne ho amohela molemo o neng o mo loketse o nkuwa a ile a hlokahala pele ho mofu, mme motho ya latelang moleng ke yena ya tla abelwa lefa lena le hlokang taelo ya mofu, ntle le ha ho sebediswa pallo ya karolwana ya 6.
a Moo ho se nang molekane ya tla amohela lefa. Mojalefa, a qheletswe ka thoko kapa a hanne ho amohela lefa mme ho setse ba leloko.
Ngwana o timetse - mojalefa (R50 000).
b Moo molekane ya setseng e leng mojalefa ha mmoho le mojalefa e mong ya qheletsweng ka thoko kapa a hanneng lefa ho latela melawana ya tlhahlamano ya kabo ya mafa a hlokang taelo ya mofu.
Ngwana wa mofu - mojalefa (R25 000).
Mojalefa le ha a na le ba leloko la hae.
<fn>sot_Article_National Language Services_KAKARETSO YA DIKGOTHA.txt</fn>
Melao ya tlhahlamano e etseditswe ho qoba tshenyo eo lefu le e bakang bonngweng ba lelapa. Ka hoo molao o leka ho sirelletsa ditlhoko tsa ba neng ba ena le kamano haholo le mofu. Ho ya ka moo ho bileng le diphetoho tse matla bophelong ba setjhaba le moruong wa Afrika Borwa, sepheopheo sa pampiri ena ya dipuisano ke ho hlomathisa molao wa setso wa tlhahlamano hore o kgone ho kenyelletsa le dibopeho tsa lelapa tsa sejwale.
Le ha Molaotheo o laela hore bojalefa ba molao ba seafrika bo hlomptjhwe, o boela o supa hore tokelo ya moetlo e tswalang molao wa setso e laolwa ke tokelo ya ho tshwarwa ka ho tshwana. Ho feta moo, ka ha tokelo ya ho tshwarwa ka ho tshwana e sebetsa dikamanong tsa poraefete tsa batho, melao efe kapa efe ya setso ya tlhahlamano e kgethollang ka mokgwa o sa amoheleheng ho ya ka botona kapa botshehadi, dilemo kapa tlhaho e lokela ho fetolwa.
Botemepedi ba molao le motheo wa ho tshwara batho ka ho tshwana.
Molao o akaretsang (le melawana e hlomathisitsweng) le melao e fapafapaneng empa e amana haholo ya setso. Melao e mengata ya setso e sebediswang ke makgotla a dinyewe ha jwale ha e hanane le motheo wa ho tshwara batho ka ho tshwana feela, ebile ha e tsamaelane le bophelo ba setjhaba. Ho ena le ho leka ho ntlafatsa molao wa setso, ho ka be ho sebediswa Molao o akaretsang. Le ha tharollo ena e ne e ena le molemo wa ho fana ka molao o le mong naheng ka bophara, e se ke ya kgethwa ntle le ho lekodisisa dintlha hantle, hobane dihlopha tse fapaneng tsa botjhaba di ka nna tsa ba leqe ho arohana le lefa la tsona la molao. Ho boloka leano la botemepedi ke ho ananela nnete ya hore Afrika Borwa e bopilwe ka melao le botjhaba bo fapafapaneng, nnete eo Molaotheo o laelang hore e hlomptjhwe.
Ha feela ho ntse ho bolokilwe melao e fapaneng ya tlhahlamano, ho tla hlokahala melao e hlakisang hore molao wa setso o sebediswe neng, o akaretsang o sebediswe neng ho sebetsa nyewe e itseng.
Khomishene ya Molao e kgothalleditse hore ho ntlafatswe melawana ya kgetho ya molao e ntseng e sebediswa hona jwale. Khomishene e re melawana ena e rarahane ntle ho lebaka mme e theilwe hodima maemo a seng a sa sebetse.
mang a maemo ana - mofuta wa lenyalo la mofu - a ka bolokwa e le tataiso feela molaong o ka sebediswang hobane a bonolo mme a sebediseha ha bobebe, empa mofuta wa lenyalo ha se sesupo se phethahetseng sa botjhaba boo motho a sekametseng ho bona; mme ha a na thuso ha motho a sa nyala/nyalwa. Kgonahalo ya ho fetoha e a hlokahala e le ho etsa bonnete ba hore molao ofe kapa ofe o sebediswang o tla bontsha tshekamelo ya botjhaba ya mofu.
Kgetho ya molao ho ya ka Melao ya KwaZulu le Natala e itshetlehile hodima mofuta wa lenyalo kapa taba ya hore mofu ha a a siya mojalefa e motona. Melao ena le yona e lokela ho hlomathiswa.
Molao wa tlhahlamano wa setso, haholoholo karolong ya ona ya ka molao, o kgetholla basadi le banna ba banyenyane. Ke nnete hore mojalefa o tlameha ho hlokomela baotlwa ba mofu ka leruo la mofu; mme ka baka la tlameho ena, ho ile ha nna ha nkwa hore molao wa setso o dumellana ka molao le Tokodiso ya Ditokelo. Le ha ho le jwalo molao ona ha o sa le matla hakaalo ho fihlela sepheo sa ona setjhabeng, e leng ho fana ka motheo o bonahalang wa tshehetso ho mosadi eo mofu a mo siileng le bana ba haufi le yena. Ka hoo, nako e fihlile ya ho hlomathisa melao ya setso e kgethollang ho ya ka botona kapa botshehadi, boholo ba dilemo kapa tlhaho le ho fa lelapa le atamelaneng le mofu ditokelo tse sireletsehileng ho feta.
Ho hlomathiswa ha Molao wa Tlhahlamano ya bojalefa.
Maikemisetso ana a ka phethahatswa ka ho sebedisa Molao wa tlhahlamano ya bojalefa (Molao wa 81 wa 1987) mafeng ohle, le ha mofu a ne a nyetse ka setso. Ha temana ya 1 b ya Molao ona e hlakolwa ditemana tse latelang di tla sebetsa ho hlakisa tatelano tlhahlamanong dinyeweng tsa bojalefa bo phethahetseng kapa bo ka mmoho: s1 e sireletsang bojalefa ba balekane ba lenyalo ba setseng le bana; ebang ba le siyo, batswadi le bana babo mofu ekasitana le seng se hojana; s1 e hlalosang hore ho hlahela ka ntle ho lenyalo ha ho ame bokgoni ba hore ya amanang ka madi a ka ja lefa la ya amanang le yena ka madi; hammoho le s1 (e)(i) e hlalosang hore ngwana ya inketsweng ka molao o nkuwa e le mohlahlami lapeng la batswadi ba inketseng yena.
Ho ya ka Molao wa setso borena ba baetapele ba setso bo jowa lefa ho ya ka melao ya tlhahlamano ho ba batona. Melao ena e atisa ho lwantshwa ka hore e hanana le demokrasi ho ya ka Molaotheo eo ho ya ka yona ditulo tsohle tsa mmuso di lokelang ho bulelwa bohle ba ka kgethwang ka bolokolohi, ntle le kgethollo e thehilweng hodima bonna kapa bosadi. Le ha ho le jwalo ha ho a lokela ho sebetsanwa le taba ena ha ho etswa molao o reretsweng ho lokisa boemo ba moruo ba bahlolohadi le bana. Ka hoo, ha eba tshebediso ya Molao wa tlhahlamano ya bojalefa e lokela ho atoloswa, ho tla lokela hore ho hlokomelwe ka ho otloloha ho teelwa ka thoko dipehelong tsa Molao ona wa tatelano boreneng ha baetapele ba setso.
Hang ha Moalo wa Tlahlahlamano o etswa hore o sebediswe hohle tlameho ya mojalefa wa setso ya ho tswela pele ho hlokomela baotlwa ba mofu e lokela ho hlakolwa. Melawana e mengata a hlahang Melaong ya Natala le KwaZulu le yona e lokela ho hlomathiswa ho nnetefatsa hore Molao ona o sebediswa ka ho tshwana hohle Afrika Borwa.
Ho ya ka moalo wa setso bojalefa bo jara dikoloto tsohle tsa mofu, le ha eba lefa le le lenyenyane ho feta dikoloto. Hang ha ditlhoko tsa lelapa le setseng la mofu di sireleditswe ka tokelo ya bojalefa, tekatekano e ne e tla bolela hore boikarabelo ba setso ba mojalefa, ka ho qolleha boikarabelo ba dikoloto tsa mofu, bo a fela. Ka ha ho sebediswa ha Molao wa tlahlamano ka ho akaretsa ho ke ke ha phethahatsa sena, ho lokela ho etswa boemo bo ikgethang hore bojalefa ho ya ka Molao ona bo se ke ba jariswa le boikarabelo ba mofu ho ya ka molao wa setso.
Ka ha ho ya ka setso basadi ha ba atise ho ba le matla a thepa kapa a boemo ba taolo, tlhahlamano basading ho ya ka molao wa setso e ne e sa atise ho ba ya bohlokwahadi. Ka hoo, melao e laolang ho ajwa ha maruo a basadi e ne e sa hlophiseha, e bile e fapane le e sebediswang maruong a banna. Hang ha Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o sebediswa ho bohle melao yohle e tobang banna kapa basadi feela ho a utlwahala hore e tla be e fedisitswe hobane Molao ona o sebetsa ntle le ho kgetha hore mofu ke monna kapa mosadi.
Tlhaloso e batsi ya molekane wa lenyalo ya setseng?
Jwalo ka ha Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o sebediswa, balekane ba lenyalo ba setseng ba ka ja lefa feela ha ba ka kgodisa hore ba ne ba nyetswe hantle. Ho sebediswa ha ntlha ena ho ka baka hore ba bangata ba nang le tokelo ba qhelelwe ka thoko, haholo bao ho nyalanweng ka molao wa setso, mme sena se etsa hore boemo ba manyalo bo be le meelelo e mengata. Molao wa Kananelo ya manyalo a setso (Molao wa 120 wa 1998) o tla fana ka thuso e itseng ho balekane ba lenyalo ba thatafallwang ke ho tiisa hore ba nyetse/nyetswe hobane ka hlakoreng le leng o etsa hore manyalo a sa ngodiswang a nkuwe a phethahetse, ka ho le leng o ananela manyalo ohle a leng teng. Le ha ho le jwalo ho na le kgonahalo e kgolo ya hore balekane ba bangata ba nang le ditokelo ba ka iphumana ba sa amohelehe e le balekane ba lenyalo. Lentswe, molekane wa lenyalo ya setseng le lokela ke hona ho hlaloswa e le hore le kenyelletse le balekane ba kopano eo e seng ya molao. Mosebetsi o tebileng ho feta mabapi le taba ena ha o hlokahale ho ntshetswa pele mona, hobane Khomishene ya molao e se e ntse e ena le mosebetsi ka Domestic partnerships e reretsweng ho hlalosa manyalo ao e seng a molao le ka moo a amanang le molao ka teng?
Ere ka ha Molao wa kananelo ya manyalo a setso o ananela sethepu ka ho totobala, ho a hlokahala hore Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o etswe hore o dumelle bojalefa ba basadi ba mofu ba babedi kapa ho feta. Mosadi ka mong o lokela ho dumellwa ho abelwa ka ho lekana le e mong kapa ba bang maruong a mofu.
Tokelo ya molekane wa lenyalo ntlong ya banyalani le dikahareng tsa yona.
Ntle le bojalefa bofe kapa bofe tlasa Molao wa tlhahlamano maruong a mofu, molekane wa lenyalo ya setseng o lokela ho fuwa tokelo ntlong ya banyalani le dikahareng tsa yona. Ho na le mabaka a mabedi a tshehetsang kgothalletso ena. La pele, Molao ona o ne o hopoletswe banyalani ba kopanetseng thepa moo ho itlhalosang hore molekane wa lenyalo ya setseng o ne a tla nka halofo ya maruo a kgobokantsweng lenyalong. Le ha ho le jwalo manyalong a setso banna e ba bona beng ba tsohle tse ruilweng mme ka hoo basadi ba sitwa ho fumana thepa yohle eo ba e bokelleditseng ka bobona. (Manyalo a setso a tla ba kopanelong ya thepa feela ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o qala ho sebetsa). La bobedi, Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o ka hloka hore maruo a mofu a arolwe dikotwana, mokgwa wa ho arolelana o hlokang hore ho be ho sebetsanwa le maruo a maholo, mme he o hloka boemo bo itseng ba borui. Maruo a manyenyane a hloka ho tlohelwa a le jwalo ho etsa hore phetisetso ya leruo ho e mong e hloke mathata. Sena se ntse se kgonahala Molaong ona ka molawana o reng balekane ba lenyalo ba tiisetswa bonyane tjhelete e kana ka R 125 000. Le ha ho le jwalo ho molekane wa lenyalo ya setseng ntho ya bohlokwahadi leruong la mofu ke ntlo ya banyalani le dikahare tsa yona. Ho qoba ho arola maruo ana molekane wa lenyalo o lokela ho ba le tokelo e tiisitsweng ya hore o tla fumana ntlo le dikahare tsa yona e le lefa le ha dintho tsena di ka feta R 125 000 ka boleng.
Ebang bajalefa ba le banyenyane haholo ho ka nka boikarabelo bo tsamayang le boemo ba bona, ho lokela hore ho thonngwe mohlokomedi ho sebetsana le maruo a mofu. Molaong wa setso tlhokomelo ya maruo a mofu le bodisa ba mojalefa di ne di behwa matsohong a e moholo lapeng la habo mofu. Le ha makgotla a dinyewe ka kakaretso a dumellana le melao ya setso a ile a kena dipakeng ho tsamaisa ka molao ho theolwa ditulong ha bahlokomedi le ho dumella ho thibela bohlaswa tlhokomelong le tshebediso e fosahetseng ya matla le ho totobatsa hore ke mang ya ka etsang tsena. Hona jwale ho hlokahala hore ho etswe molao o tla tlosa kgethollo ya botona le botshehadi kgethong ya bahlokomedi le ho fana ka melawana e hlakileng ho feta mabapi le mesebetsi e tlamang mohlokomedi. Dintlha tsena di ka salwa morao hantle ho feta mosebetsing wa Khomishene ya molao e mabapi le Tsamaiso maruong a mofu (Administration of Deceased Estates).
Ha malapa a hlophisa lenyalo leo motho a kenelwang kapa a yang seyantlo ho lona hangata ho atisa ho etsahala hore mosadi a iphumane a tlameha ho dumela tlhophiso e jwalo le ha a sa e rate. Le ha Molao wa kananelo ya manyalo a setso o hlalosa tumello ya balekane ba lenyalo e le ka sehloohong ho tse hlokahalang manyalong ohle a setso, manyalo a kenelo le seyantlo a ka nna a se akarelletswe ke Molao ona, hobane ha se manyalo a matjha. Ha ho hlokahale hore ho etswe molao o motjha ho sirelletsa balekane manyalong a jwalo; hobane ho se ho ena le mohlala o supang hore ha ho lenyalo la qobello le tla ananelwa molaong.
Tshebediso ya motheo wa bolokolohi ba ho etsa wili molaong wa setso.
Molaong o akaretsang motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho etsa wili. Batho bao ka tlwaelo ba tlangwang ke molao wa setso ba sebedisa seo ho qoba ditabatabelo tsa bajalefa ba bona. Le ha sena se ka bonahala se hloka bolekalekani, matla a ho etsa wili esale a le teng Afrika Borwa, mme ho a amoha batho ba tlasa molao wa setso ho ka bonahala e le kgethollo.
Tlasa molao o akaretsang motho ya etsang wili a ke ke a tlosa boikarabelo ba ho hlokomela balekane ba lenyalo le bana ba lokelang ho hlokomelwa. Bana ba na le tokelo e thehilweng molaong o akaretsang ya ho hlokomelwa le balekane ba lenyalo ba siilweng ke mofu ba na le tokelo e jwalo ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya balekane ba siilweng (Molao wa 27 wa 1990). Molao ona o tla sebetsa ho balekane ba lenyalo manyalong a setso ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o kena tshebetsong. Le ha ho le jwalo potso ke hore na tshireletso ya molao ya molekane ya siilweng le bana e atoloswe ho kenyelletsa le baotlwa ba itseng, ba kang batswadi le bana babo mofu ba neng ba ka labella tlhokomelo tlasa molao wa setso.
Karolwana ya 2310 le 2 ya Molao wa Tsamaiso ya batho ba batsho Molao wa 38 wa 1927 e thibela Maafrika ho sebedisa wili ho fana ka thepa e sa sutheng ya ntlo kapa mobu o lefellwang sethabathaba. Mokgwa o fetileng o lokela ho fetoha jwalo ka molao wa setso wa tatelano maruong a mofu mme e latelang e fetohe ho ya ka melao ya naha e entsweng ho itshetlehilwe ka molao wa setso. Dikarolwana tsena di lokela ho hlakolwa ka mabaka a mangata, haholoholo hobane ha di fihlele sepheopheo sa ho thibela bolokolohi ba ho etsa wili: ho sireletsa molekane wa lenyalo ya setseng hammoho le bana.
Le ha ho ya ka molao wa setso ho se motho ya nang le matla a thuo thepeng ya lelapa a le mong ekasitana le mobu temana ya 23 ya Molao wa Tsamaiso ya batho ba batsho e dumella ka ho otloloha diwili tse fanang ka mekga ena ya thepa bobedi. Temana ena e baka mathata a mangata a molao ao e seng a ka boomo, mme ka hona e lokela ho hlakolwa. Ka ha molaong o akaretsang ho na le kgonahalo ya ho siela motho e mong thepa ya hao, teko efe kapa efe ya ho laola mokgwa oo thepa ya lelapa e fanwang ka ona ka wili ha e hlokahale. Ho ka nkuwa hore ha baetsi ba diwili ba siela ba bang jwalo, ba lakatsa ho fana ka karolo ya bona feela leruong leo. Mobu o ruilweng ho ya ka molao wa setso ke taba e nngwe, ka ha thuo ya mobu ya setso e fa malapa, marena le setjhaba ka kakaretso tokelo mobung oo. Maemong ana baetsi ba diwili ba lokela ho ba le bolokolohi ba ho fana ka ditokelo tsa bona.
Ho ya ka moo molao wa setso o shebang ka teng, ebang ntate kapa mme a nehelana ka bohlokomedi ba ngwana ya tlase dilemong ka wili, temana ena e ke ke ya sebetsa, hobane hantlentle motho ya etsang wili o ne a se na matla a ho nehelana ka bohlokomedi. Le ha ho le jwalo ho hlokahala hore ho etswe molao ho rarolla bothata bona hobane Molao wa Bohlokomedi (Molao wa 192 wa 1993) o hlalosa hore balekane ba lenyalo ka bobedi ba na le tokelo le matla hodima bana ba tlase dilemong, mme pelaelo efe kapa efe mabapi le tokelo ya mme ya bohlokomedi e arajwa ke thibelo ya kgethollo ya botona kapa botshehadi e temaneng ya 9 ya Molaotheo.
Ho matlafatsa setshwantsho sena sa molao se sisinngwang Khomishene e kopa maikutlo mabapi le dipotso tse latelang, tseo boholo ba tsona bo hlahileng dipuisanong le Tlung ya baetapele ba setso ha ho arabelwa pampiri ya sethatho ya ditaba le nakong ya dipuisano palamenteng.
Tlasa molao o akaretsang motho ya etsang wili a ke ke a tlosa boikarabelo ba ho hlokomela balekane ba lenyalo le bana ba lokelang ho hlokomelwa. Bana ba na le tokelo e thehilweng molaong o akaretsang ya ho hlokomelwa le balekane ba lenyalo ba siilweng ke mofu ba na le tokelo e jwalo ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya balekane ba siilweng (Molao wa 27 wa 1990). Molao ona o tla sebetsa ho balekane ba lenyalo manyalong a setso ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o kena tshebetsong. Le ha ho le jwalo potso ke hore na tshireletso ya molao ya molekane ya siilweng le bana e atoloswe ho kenyelletsa le baotlwa ba itseng, ba kang batswadi le bana babo mofu ba neng ba ka labella tlhokomelo tlasa molao wa setso.
Ka nako e nngwe hlooho ya lelapa, ha e sa phela, e ka hlahisa takatso ya yona mabapi le ho ajwa ha dikarolo tse itseng tsa thepa ka mora lefu la hae. Ketso ena ya ho tshwaela e ananelwa mekgweng e mengata ya molao wa setso. Bitsong la ho nnetefatsa ditaba ho kgothalleditswe hore ditaelo tsa molomo di ngolwe fatshe le ho saenelwa mme rekoto e bolokwe ke Morena, ha dikopi di fuwa lelapa. Na ho a hlokahala hore molawana oo o kenyelletswe dibukeng tsa molao?
Ho kgeloha tatelano ya tlhahlamano: Ho amoha bojalefa le ho aba thepa.
Molao wa setso o ne o se na mokgwa-tsamaiso wa tlhahlamano ya bojalefa, empa o ne o dumella majalefa ho amohuwa bojalefa le hore thepa e abelwe ditho tse ding tsa lelapa. Lekgotla la lelapa le ne le lokela ho dumellana le ditlhahiso tse etswang ka molomo tseo hantlentle di neng di etsahala ka mora lefu la hlooho ya lelapa.
Hantlentle diwili di kgonahala feela ho ba kgonang ho lefella ditshebeletso tsa molao tsa profeshenale ha tsela e bonojwana ya setso e sebeletsa ditlhoko tsa sehlopha se seholwanyane sa batho.
Na ho a hlokahala hore tsamaiso ee ya setso e tshwanang le diwili tse ikgethang tse neng di le teng molaong wa Roman-Dutch di kenyelletswe Molaong wa diwili (Molao wa 7 wa 1953) Ho seng jwalo na ho a hlokahala hore tsamaiso ya setso e laolwe ka molao ka (mohlala) ho dumella bajalefa ba amohilweng bojalefa ho beha ditaba tsa ona ka pela lekgotla la lelapa le/kapa ho ipiletsa ba hanana le qeto ya lekgotla leo?
Bobedi molao wa setso le o akaretsang e dumella mojalefa ho etsa qeto ka mokgwa le sebaka sa lepato la mofu. Ho qoholla mojalefa ho hloka hore ho shejwe hore na ho sebediswa molao o akaretsang kapa wa setso na ho mofu, phuputso eo le yona e hlokang hore ho tsejwe tshekamelo ya hae ya moetlo. Makgotla a qobile taba ena ka ho shebana le mofuta wa lenyalo wa mofu: ebang a nyetswe sekgowa kapa sekreste mohlolohadi o na le matla a ho etsa qeto ka lepato, mme ebang a nyetse ka molao wa setso, mora e moholo wa mofu o na le matla. Kgang e hananang le sena e re ha feela bohadi bo ntshitswe qeto ke ya mojalefa kapa e moholo lelapeng ho sa shejwe mofuta wa lenyalo. Le ha mohlomong ho etsa molao mabapi le sena ho sa hlokahale, maikutlo mabapi le taba ena a ka thabelwa.
Makgotla a marena a lokela ho ba le matla a makae ditabeng tsa tlhahlamano e laolwang ke molao wa setso, mme makgotla aa a lokela ho ba le kamano efe le kantoro ya Mookamedi?
Na ho na le metheo e meng ya mantlha ya molao wa setso e lokelang ho kenyelletswa dibukeng tsa molao?
<fn>sot_Article_National Language Services_KANKERE YA MAKWALATA.txt</fn>
Ke mofuta o sa atang haholo wa kankere banneng. E ka hlaha dilemong dife kapa dife empa e atile haholo ho banna ba batjha ba dilemo tse 20 ho isa ho tse 40. Ka tlwaelo ke lekwalata le le leng feela le amehang. Sesosa sa kankere ya makwalata ha se tsejwe. E ama banna ka nako eo ba kgathatsehileng haholo ka bokgoni ba ho tswala le ho qala malapa.
Kankere ya makwalata e jara boikarabelo bakeng sa 0.75% ho isa ho 1.46% tsa dikankere tsohle banneng tse tlalehilweng ho Tsa Ngodiso ya Kankere bakeng sa dilemo tsa 1996 le 1997.
Banna ba nang le histori ya makwalata a sa theohelang tlase (sena se lokisitswe kapa se sa lokiswa). Monyetla wa kotsi o ka nyoloha ho fihlella o menahana ka makgetlo a 11. Masea ohle a bashemane a tshwanetse ho lekolwa ha a tswala bakeng sa ho lemoha makwalata a sa theohelang tlase.
Banna ba nang le histori ya ba lelapa ba nang le kankere ya makwalata.
Banna ba nang le bothata ba ho hloka bokgoni ba ho tswala.
Motho ka boyena a ka lemoha tse ngata tse sa tlwaelehang makwalateng. Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho fumana tse sa tlwaelehang ke ya ho itlhahloba makwalata ka bowena.
Ho itlhahloba makwalata ka bowena o ka ho etsa hantle haholo ka mora ho hlapa ka metsi a futhumetseng, ho tola ka metsi a futhumetseng kapa ho shawara ka metsi a futhumetseng. Motjheso o etsa mokotlana wa makwalata o lokolohe, mme sena se etsa ho be bonolo ho lemoha dife kapa dife tse sa tlwaelehang.
Lekola ho ruruha hofe kapa hofe ho mokotlana wa makwalata.
Seipone se ka thusa.
Lekola lekwalata ka leng ka matsoho a mabedi. Beha monwana wa ho supa le o bohareng ka tlasa lekwalata mme menwana e metona e be ka hodimo. Dikolosa lekwalata ha bonolo pakeng tsa monwana o motona le menwana e meng. Se ke wa tshoha haeba lekwalata le leng le bonahala le le leholwanyane ho feta le leng. Sena ke se tlwaelehileng.
Maqhutsu a kankere a atisa ho fumanwa mahlakoreng a makwalata, empa a ka nna a boela a fumaneha bohareng kapa ka pele makwalateng.
Fumana karolwana e bonolo e kang tjhupu ka mora makwalata. Yona e bitswa ephididimese, mme e bokella le ho tsamaisa lero la senna. Itlwaetse sebopeho sena. Se ke wa etsa phoso mme o nahane hore ke leqhutsu le belaetsang.
Leqhutsu le lenyenyane (le lekanang le erekisi) le seng bohloko ka hara lekwalata. Ha se hore maqhutsu ohle ke a kankere.
Lekwalata le ruruhileng.
Boima bo utlwahalang lekwalateng kapa nokeng.
Phetoho ho mokgwa oo lekwalata le utlwahalang ka teng.
Matswele le ditlhoko tse ruruhileng.
Mokedikedi o bokellanang ka potlako mokotlaneng wa makwalata.
Ho ba bohloko ha lekwalata.
Haeba o na le mahlaba a mabe haholo makwalateng fumana tlhokomelo ya maemo a tshohanyetso?
Haeba maqhutsu, ho hola, ho ruruha kapa ho fetoha ha sebopeho ho ka utlwahala mokotlaneng wa makwalata bona ngaka?
Haeba o utlwa boima bofe kapa bofe bo itseng bona ngaka?
Haeba ho na le kgolo ya matswele le ditlhoko le/kapa ho utlwa o ruruha mokotlana wa makwalata ka potlako bona ngaka?
Haeba ha ho tse sa tlwaelehang tse fumanwang tswela pele ka ho itlhahloba makwalata ka bowena ho fihlela o fihla dilemong tse 40/45?
Kankere ya makwalata e ka fodiswa, haholoholo ha e ka lomohwa le ho alashwa e sa le nako.
<fn>sot_Article_National Language Services_KAROLO YA PELE.txt</fn>
Ntlha tse latelang di lokela ho bokeletswa bakeng sa motho e mong le e mong ya dutseng lelapeng lena bonyane masiu a mane bekeng, dibekeng tse nne tse fetileng . O se ke wa lebala bana.
Ke mang ntate wa lelapa (kapa ya tshwereng boemo ba ntate wa lelapa) lena.
Ngola motho eo kholomong ya 01.
Ngola lebitso le fane.
Na o dutse mo lapeng le bonyane masiu a mane ka beke sebakeng sa dibeke tse nne tse fetileng?
Na ke monna kapa mosadi?
Ekaba letsatsi la tswalo la ke lefe le dilemo tsa hae ka botlalo?
ke wa morabe ofe?
Maemo a lenyalo a ha jwale a ke afe?
Ke boemo bofe bo phahameng ba thuto bo a bo fihletseng?
Na motho eo ke yena ka boyena ya arabang dipotso?
Na o na le mohala wa ka lapeng kapa wa thekeng moo o ka fumanehang teng?
=TJHE ha e le ee e ya ho 2.
Fana ka nomoro ya hao ya mohala mo re ka o letsetsang teng nakong e tlang?
Bekeng e fetileng.
a Na o kile wa sebeletsa moputso wa beke kapa wa kgwedi kapa moputso hodima tshebetso kapa patala ya mofuta ofe kapa ofe ho kenyeletswa le mosebetsi wa lapeng, le ha e ne e ka ba hora e le nngwe feela?
Mehlala: mosebetsi o tlwaelehileng, konteraka, mosebetsi wa nakwana, ho sebetsa o patalwa ka dijo kapa ka bodulo, mosebetsi wa ka lapeng o putswang b O KILE WA TSAMAISA KGWEBO YA MOFUTA OFE KAPA OFE, E KGOLO KAPA E NYENYANE BAKENG SA HAO, KAPA E LE E MONG KAPA BA BANG BA BANGATA?
Mehlala: temo bakeng sa thekiso, ho rekisa dintho, ho etsa dintho bakeng sa thekiso, ho aha, ho lokisa dintho, ho lebela dikoloi, ho ritela jwala, ho rwala patsi kapa ho kga metsi bakeng sa thekiso, ho lokisa moriri, kgwebo ya sekolo sa bana ba banyane, kgwebo ya ditekesi kapa ya mofuta o mongwe wa dipalangwang, Kgwebo ya molao kapa ya bongaka, ho ipapatsa setjhabeng, kgwebo ya mehala.
c Na o kile wa thusa ntle le tefo kgwebong e fe kapa e fe e tsamaiswang ke lelapa le ha e ne e ka ba bakeng sa hora e le nngwe feela?
Mehlala: Temo bakeng sa thekiso, ho thusa ho rekisa dintho, ho etsa dintho bakeng sa thekiso kapa phapanyetsano, ho lokisa dibuka tsa kgwebo, ho hlwekisa bakeng sa kgwebo, jwalo jwalo.
Ha eba e le ee karolong efe kapa efe ya potso 2.4 e ya ho karolo ya 4 ho seng jwalo e ya potsong ya 2.
Bekeng e fetileng, le ha o sa sebeletsa tefo, tswala kapa poelo ya lelapa...
aNa o ne o na le mosebetsi o lefang o o ka kgutlelang ho ona?
ha e le ee e ya Potsong ya 2.
Mehlala: mosebetsi o tlwaelehileng, konteraka, mosebetsi wa nakwana, ho sebetsa o patalwa ka dijo kapa marobalo, ho mosebetsi wa ka tlung o lefang b Na o ne o na le kgwebo eo o ka kgutlelang ho yona?
Ha e le ee, e ya potsong ya 2.
Mehlala: temo bakeng sa thekiso, ho rekisa dintho, ho etsa dintho bakeng sa thekiso, ho aha, ho lokisa dintho, ho lebela dikoloi, ho ritela jwala, ho rwala patsi kapa ho kga metsi bakeng sa thekiso, ho lokisa moriri, kgwebo ya sekolo sa bana banyane, ho ipapatsa setjhabeng, kgwebo ya mehala.
C Na o kile wa ba le mosebetsi o sa pataleng kgwebong e fe kapa e feng e tsamaiswang ke lelapa eo o ka nnang wa kgutlela ho yona?
Ha e le ee, e ya potsong ya 2.
Bekeng e fetileng.
a1Na o ile wa etsa mosebetsi jareteng ya hao kapa ya lelapa, masimong, jareteng, botebong, lesakeng kapa wa thusa ho hlahisa masimong kapa ho hlokomela diphoofolo molemong wa lelapa?
Mehlala: ho jala, ho kotula, ho hlokomela mehlape a2Ha e le ee, dihora tse kae?
b1Na o ile wa kga metsi wa bokella patsi kapa disu bakeng sa tshebediso ya lelapa?
b2 Ha e le ee, dihora tse kae?
c1Na o ile wa hlahisa disebediswa tse ding bakeng sa lelapa?
Ha e le ee, dihora tse kae?
d1 Na o kile wa aha kapa wa etsa tokiso e kgolo lapeng la hao, jareteng, sakeng la hao, kgwebong kapa tsa lelapa?
d2 Ha e le ee, dihora tse kae?
e1 Na o ile wa tshwasa ditlhapi, diphoofolo tse hlaha kapa dijo tse itseng ding bakeng sa lelapa?
E2 Ha e le ee, hora tse kae?
Ke lebaka le feng la bohlokwa le entseng hore o se ke wa ba mosebetsing kapa kgwebong ya hao bekeng e fetileng?
Tshwaya le baka le le leng.
Bekeng tse nne tse fetileng,.
a Na o ne o batla mosebetsi wa mofuta ofe kapa ofe?
b Na o ne o leka ho qala kgwebo ya mofuta ofe kapa ofe?
= TJHE J E ya potsong ya 3.
Bekeng tse nne tse fetileng o entseng ho batla mosebetsi kapa ho qala kgwebo?
= HA HO LETHO A Kgutlela potsong ya 3.
A na lebaka e ne e le hobane o hlophisitse ho qala kgwebo kapa ho nka mosebetsi o motjha nakong e itseng e tlang?
Na o ne o ka rata ho sebetsa bakeng sa moputso, profiti kapa poelo ya lelapa bekeng e fetileng?
Hobaneng o ne o sa batle ho sebetsa beke e fetileng?
= TSE DING, hlalosa h E ya potsong ya 3.
E se ele nako e kae o sa sebetse kapa o leka ho fumana mosebetsi kapa ho qala kgwebo?
Ke mosebetsi o feng wa bohlokwa o neng oo etsa pele o qala ho batla mosebetsi?
E ya potsong ya 3.
Ke mabaka a feng a bohlokwa a e ntseng hore o se wa leka ho fumana mosebetsi kapa ho qala kgwebo bekeng tse nne tse fetileng?
Ha ho ne ho ka ba le mosebetsi o tshwanelehileng na o ne o ka qala mosebetsi bekeng e fetileng?
Ha e ba maemo a na o dumella o no ka qala kgwebo bekeng e fetileng?
Hobaneng o ne o sa fumanehe mosebetsing bekeng e fetileng?
Na o kile wa sebetsa o lefuwa kapa ho etsa phaello kapa wa thusa o sa patalwe kgwebong ya lelapa?
Ho sebeletsa moputso wa kgwedi, moputso wa beke, phaello kapa mosebetsi o sa pataleng wa kgwebo ya lelapa; Mosebetsi o sa tsitsang jwalo ka ho etsa dintho bakeng sa thekiso, ho rekisa dintho ho fana ka ditshebeletso bakeng sa tefo, moputso, ho sebetsa polasing bakeng sa moputso wa beke kapa karolo ya kgwebo ya lelapa.
= TJHE E ya potsong ya Q3.
E se e le nako e kae o qetetse ho sebetsa?
= HO FETA DILEMO TSE 55E ya potsong ya 3.
Ke lebaka lefe la bohlokwa le entseng hore o emise ho sebetsa mosebetsing kapa kgwebong ya hao e fetileng?
Ke diketso tsa mofuta mang tseo o neng o di etsa mosebetsing kapa kgwebong ya hao ya qetelo?
Ngola bonyane mantswe a mabedi: Morekisi wa dikoloi, Mohlwekisi wa dikantoro, molemi wa meroho, titjhere wa sekolong sa poraimari, jwalojwalo.
Mesebetsi ya hao ya bohlokwa e ne e le efe mosebetsing ona?
Mehlala: ho rekisa ditholwana, ho lokisa ditshupanako, ho hlokomela dibuka tsa ditjhelete, ho fepa le ho nwesa dikgomo, ho ruta bana.
Na lebitso la sebaka seo o neng o sebeletsa ho sona ke mang?
Ke dihlahiswa difeng kapa ditshebeletso tsa mantlha tse neng di hlahiswa ke sebaka sa hao sa tshebetso?
Mehlala: Ho lokisa dikoloi, Ho rekisa meaho ya tshebetso, ho rekisa dijo ka bongata dikgwebong tsa dijo, dikgwebo tsa diaparo, ho etsa thepa ya motlakase, bareng/ntlong ya dijo, thuto tse tlase, ho tsamaisa koranta malapeng.
Mosebetsing kapa kgwebong ya hao e fetileng, na o ne o.
= Sebeletsa motho bakeng sa moputso?
Moputso wa tjhelete kapa ho hong feela (Mohlala. dijo, bodulo).
Kgetho ya pele e kenyelletsa basebetsi bohle: ka nako tsohle, nakwana, mosebetsi wa nakwana.
Bekeng e fetileng.
a Na o ne o batla mosebetsi o feng kapa ofeng?
b Na o ne o leka ho qala kgwebo ya mofuta o itseng?
= O tshehetswa ke mekgatlo e fanang ka dimpho, kereke kapa mekgatlo ya thekolohelo.
Bekeng e fetileng na o bile le mosebetsi kapa kgwebo tse fetang bonngwe?
Ha e ba Ha e be ke "ee" kapa "ha ke tsebe": Dipotso tse latelang di mabapi le mosebetsi wa bohlokwa kapa kgwebo.
Ke mofuta o feng wa mosebetsi kapa kgwebo tsa bohlokwa tseo o tlwaetseng ho di etsa tseo o neng o na le tsona bekeng e fetileng (le ha o ne o se yo mosebetsing bekeng e fetileng)?
Ngola bonyane mantswe a mabedi: Morekisi wa dipalangwang, Mohlwekisi wa dikantoro, Molemi wa meroho, Titjhere wa sekolong sa poraimari, jwalojwalo.
Ke ketso difeng tsa mantlha tseo o di etsang mosebetsing wa hao?
Mehlala: Ho rekisa ditholwana, ho lokisa ditshupanako, ho boloka mangolo, ho fepa le ho nwesa dikgomo..
Lebitso la sebaka seo o sebetsang ho sona ke mang?
Bakeng sa mmuso kapa di kgwebo tse kgolo fana ka lebitso la kgwebo, lekala kapa karolo.
Ngola ntlo ya hao kapa 'Ha ho na sebaka seo e leng sona sona' ha e ba ho hlokahala.
Ke di hlahiswa di feng kapa ditshebeletso tsa mantlha tse hlahiswang sebakeng sa hao sa tshebetso kapa ditshebetso tsa tsona tsa mantlha?
Mohlala: Ho lokisa dikoloi, ho rekisa meaho ya tshebetso, ho rekisa dijo ka bongata di kgwebong tsa dijo, di kgwebo tsa di aparo, bareng kapa ntlong ya dijo, thuto tse tlase, ho tsamaisa koranta malapeng, bakeng sa basebetsi ba ka lapeng.
O qadile neng ho sebetsa mosebetsing kapa kgwebong eo o leng ho yona, fana ka selemo le kgwedi?
Mosebetsing kapa kgwebong ya hao eo o e entseng bekeng e fetileng o ne.
= O sebeletsa motho bakeng sa moputso ho kenyeletswa basebetsi ba lapeng bo lefuweng.
Moputso ka tjhelete kapa ho hong feela (mohlala, dijo, bodulo).
Ka nako tsohle, nakwana, mosebetsi wa nakwana. E ya potsong ya 4.
E ya potsong ya 4.
E ya potsong ya 4.
E ya potsong ya 4.
A na mohiri wa hao o ho kenyetsa tjhelete letloleng lefe kapa lefe la penshene/la ho beha meja fatshe?
Na o na le tokelo ya ho ya llifing e lefellwang?
Na o na le tokelo ya ho fumana dibenefiti tsa medical AID ho tswa ho mohiri wa hao?
Na mohiri wa hao wa hula tjhelete ya lekgetho (PAYE / SITE) moputsong wa hao wa beke kapa wa kgwedi?
Na o hirilwe tlasa...
= Konteraka e ngotsweng?
= Tumellano ka molomo?
Na konteraka kapa tumellano eo.
= E balletswe nako?
= Ke ya saruri?
LELAPA NTLE LE TEFO kgetho2, 3 le 4 potsong ya 4.
Na kgwebo ya hao (kapa ya lapeng mo o sebetsang teng) e ngodisitswe bakeng sa lekgetho la VAT?
Na kgwebo (kapa kgwebo ya lapeng mo o sebetsang teng) e ngodisitswe bakeng sa lekgetho la kuno ya basebetsi?
Na sebaka seo o sebetsang ho sona.
Botsa bao ba nang le mosebetsi o le mong Kgetho ya bobedi potso ya 4.
Hangata o sebetsa dihora tse kae ka beke?
Ha o nahana ka letsatsi ka leng bekeng e fetileng hantlentle o sebeditse dihora tse kae.
E ya potso ya 4.
Botsa bao ba nang le mosebetsi ho feta o leng mong kapa ba sa tsebeng kgetho ya 1 le ya 3 potsong ya 4.
Hangata o sebetsa dihora tse kae ka beke?
Ha o nahana ka letsatsi ka leng bekeng e fetileng o sebeditse dihora tse kae?
Bekeng e fetileng o ne o ka rata ho sebetsa dihora tse fetang tseo o tlwaetseng ho di sebetsa ha e ba dihora tseo tse ngata di ne di patallwa?
Ke dihora tse kae tse ekeditsweng tseo o neng o ka be o di sebeditse bekeng e fetileng?
Na o batla ho sebetsa dihora tse ngata ka moputso o o fumanang hona jwale?
Ha mosebetsi o ekeditsweng o ne o ka hlahella o ne o ka kgona ho qala bekeng tse nne tse latelang?
Ha o nahana ka letsatsi ka leng bekeng e fetileng o sebeditse dihora tse kae?
<fn>sot_Article_National Language Services_KELETSO YA HAO YA DIA.txt</fn>
Hona ha se memo ya thekiso ya diabo Amerika. Ha ho na diabo tse ka rekiswang Amerika di sa ngodiswa kapa di sa dumellwa hore di ngodiswe. Diabo dife kapa dife tse rekisetswang setjhaba Amerika di tshwanetse hore di tsamaiswe ho latela bukana ya diabo e nang le dintlha tsohle tsa thekiso ya diabo tseo, mme bukana ena ya diabo e lokela ho hlahisa dintlha tsohle tsa khampani le tsamaiso ya yona ekasitana le maemo a ditjhelete a khampani eo.
Hona ha se memo ya thekiso ya diabo kapa ona maikemisetso a ho etsa memo ya thekiso kapa boingodiso ba diabo Riphaboliking ya Afrika Borwa. Ka molao wa dikhampani wa Afrika Borwa (South African Companies Act), diabo di ka rekisetswa setjhaba ha thekiso ya tsona e na le bukana ya diabo e ngodisitsweng ho latela molao wa dikhampani (Companies Act). Thekiso e nngwe le e nngwe ya diabo e etsetswang setjhaba Afrika Borwa kapa ho ingodisetsa diabo, e lokela ho tsamaya mmoho le bukana ya diabo e tla hlophiswa, e hlahisang le dintlha tsohle ka Telkom mabapi le kgwebo, tsamaiso le maemo a yona a ditjhelete. Hang ha bukana ya diabo e se e entswe, e tla fumaneha makaleng a Poso le a Standard Bank, mme e tla fumaneha ha mmoho le memo ya thekiso ya diabo.
Kgweletso ena e etswa ke mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa mabapi le morero wa ho rekisa karolo e nngwe ya diabo tseo mmuso o nang le tsona Telkom SA.
<fn>sot_Article_National Language Services_KENG MEKGATLO YA BASE.txt</fn>
MBM ke mokgatlo wa tshebedisano ya basebedisi ba metsi ka bonngwe ba batlang ho etsa dintho tse mabapi le metsi molemong wa bona. MBM ke mokgatlo o thehuweng ka molao ke Letona tlasa Molao wa Naha wa Metsi, mme o sebetsa boemong ba mahae.
MBM e itshetlehileng ka mokga e sebetsa molemong le bakeng sa sehlopha la basebedisi ba mofuta o le mong. Ho tea mohlala, sehlopha sa balemi ba qalang ka ho nwesetsetsa ba etsa mokga o itshetlehileng ka MBM, kapa sehlopha se nang le kgahleho taolong ya tshebediso bakeng sa boithabiso, jwalo jwalo.
MBM e itshetlehileng ka mekga e fapaneng e sebetsa molemong le bakeng la setlamo sa basebedisi ba fapaneng ba metsi, jwalo ka poloko ya mobu, meru, merafong, le ho nwesetseng ka kopanelo.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le tla fana ka ntshetsopele e sisintsweng ho tshehetsa batho bonngwe, le ho ditjhaba bakeng la tlhophisso le ho thehwa ha mekgatlo ya MBM e sisintsweng.
mabaka a ho etsa kopo lebitso le sisintsweng la mokgatlo sebaka se sisintsweng sa tshebetso ya mokgatlo mesebetsi e sisintsweng ya mokgatlo moo ho loketseng, tlhaloso ya mesebetsi e teng ya metsi kapa e rerilweng sebakeng seo e se reretsweng bakeng la tshebetso tlhaloso ya dilaesense tsa tshebediso ya metsi kapa ditumello tseo ditho tse sisintsweng di nang le tsona kapa di rerileng ho etsa kopo ya tsona molaotheo o reretsweng mokgatlo tlhaloso ya ka moo mola wa theo o tlang ho fapana ka teng le mohlala (paterone ya mola wa motheo) o leng Molaong.
lenane la ditho tse sisintsweng kapa mefuta ya ditho tsa mokgatlo tlhaloso ya kopano e seng e etsahetse ho ntshetsapele tshisinyo le sephetho sa kopano eo.
tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, paballo, tsamaiso le taolo ya mehlodi ya naha ya metsi sebeletsa ditlhoko tsa motheo tsa meloko ya jwale le ya kamoso kgothatso ya tekano, kgonahalo, boikemelo le tshebediso ya metsi e molemo ntshetsopele ya setjhaba le moruo, le tshireletso ya dimela le diphoofolo tse dulang metsing.
Tshisinyo ya ho theha MBM e lokela ho boela e tsamaelana le Mokgwa wa Tsamaiso ya Polokelo.
Maikemisetso a MBM ke ho etsa hore batho ba sebakeng se itseng ka ho qolleha ba kopanye mehlodi ya bona, e jwalo ka tjhelete, mehlodi ya batho le bokgoni, etsa mesebetsi e kenyelletsang metsi ka ho phethahala. Ka MBM, ditho di kgola molemo ka ho sebetsa ka ditlhoko le tse tlang pele ho bona tse tsamaelanang le metsi.
MBM e sebetsa sebakeng se nang le moedi boemong ba maha. E fana ka disebediswa tseo ka tsona mokgwa wa taolo ya polokela e ka etswang boemong ba mahae. MBM hape di na le karolo e bohlokwa ho sebetseng ka bofuma ka tshireletso ya dijo.
Tlhokomelo le tsamaiso ya phano le tshebediso ya metsi ho tswa mohloding wa metsi ho latela phano e loketseng ya metsi.
MBM e ka boela ya fuwa matla a tlatsetso le mesebetsi ke Setsha sa Tsamaiso ya Polokelo (STP) kapa Letona.
Basebedisi ba kgona ho kopanya mehlodi ya bona ho fihlella meruo ya maemo. Ntshetsopele ya motho ka mong ha nyane e sebeletsa balemi ba qalang ho etsa mohlala ha ho kgonahale ha ngata ho ba se be le mathata a ditjhelete.
Ha sehlopha se batla ho theha MBM bakeng la tshebediso e itseng ya metsi, se lokela ho netefatsa pele hore MBM e tla fana ka melemo e lekaneng ho ditho tsa yona. Botho ba MBM ke ba boikgethelo, ka hoo ha MBM e sa fane ka tse molemo tse hlokehang, ha e na kgona ho boloka ditho tsa yona.
MBM ha e na ho tshetswa ka tjhelete ka tefiso ya ditho tsa yona. Ditefiso tsena di bitswa ka hore ke tefiso tsa tshebediso ya metsi mme di lokela ho behwa ho latela mokgwa wa tefiso ya tshebediso ya metsi?
<fn>sot_Article_National Language Services_KETAPELE 1 (2004).txt</fn>
Dilemong tsa pele tsa puso ya rona ya setjhaba ka setjhaba (demokerasi), re ile ra kenya matla ohle a rona le ho etsa mekutu ya ho sutha mokgweng wa thekolohelo ho leba ntshetsopeleng ya setjhaba ha tshekamelo ya leano le phethahatso di fetoha. Jwalo ka naha e ntjha re ile ra etsa maano le molao wa moralo wa tshebetso a ileng a betla tsela ya ho etsa dintho le a ileng a re bontsha tsela ya ka moo re lokelang ho sebeletsa bafutsana ka teng le batho ba kojwana di mahetleng jwalo ka ha re tshepetswe sena ho latela thomo ya rona.
Lefapha dilemong tse leshome tse fetileng esale le tsepamisitse maikutlo haholo tshireletsong ya setjhaba, mme le beheletse ka thoko taba ya ho tadima ditshebeletso tse ding tsa setjhaba. Ho imetswa haholo ha ditekanyetso tsa ditjhelete tsa tshireletso ya setjhaba ho ile ha tswala hore ditshebeletso tse ding di sale morao le hore di se nkellwe hloohong. Ketso ena hara tse ding, e ile ya etsa hore ho be le ditshebeletso tsa tshireletso tseo ntshetsoppele ya tsona e ile ya tsamaiswa ka tsela e fokolang, le hore mehlodi e seke ya anela ho thusa ka ditshebeletso tse ding tsa setjhaba bathong ba futsanehileng, ho tsamaya ha ditsebi tse nang le mahlale a bohlokwa haholo, le boikarabelo ba mekgatlo ya setjhaba ba ho etsa ditshebeletso ka lebaka la kgaello ya mehlodi. Qetellong sena se ile sa etsa hore mekgatlo e jwalo e kwalwe mme ho be le tahlehelo ya basebetsi mmusong, eleng taba e ileng ya ba le tshusumetso e mpe tsebeletsong ya setjhaba.
Lefapha la Naha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho rarolla qaka tsena le ile la simolla ka tshebetso ya ho etsa Leano le amanang le Tshehetso ya Ditjhelete (PFA) ya batho ba fanang ka ditshebeletso. Dinnete tse teng hona jwale naheng ena di qobella mmuso hore o boele o lekole mokgwa wa ona wa tshebediso ya mehlodi ho netefatsa taba ya kabo e anelang batho ba neng ba ntse ba tinngwe menyetla nakong e fetileng. Ho atlehisa tshebetso ya leano lena, tsela tsa ditefello le tsona di ile tsa ntshetswa pele ka morero wa ho rarolla dintlha tse batsi tsa lewa molemong wa phethahatso.
Leano la Tshehetso ya Ditjhelete (PFA) ke se seng sa disebediswa tsa bohlokwa haholo tse tla sebediswa ho etsa monyetla wa ho tlisa phetoho ditshebeletsong le thusong ya ditjhelete tse fuwang batho ba fanang ka ditshebeletso. Mmuso ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba o lokela ho phethahatsa dintho ho latela thomo ena mme re lemohile hore re ne re keke ra fihlela maikemisetso ana le sepheo sena ka borona. Ke ka hoo re phukaladitseng mapheyo a rona ho netefatsa hore ho na le tshebedisano e kgolwanyane le selekane pakeng tsa Mekgatlo eo eseng ya Mmuso (di-NGO), Mekgatlo e thehileng Bodumeding (di-FBO), Mekgatlo e thehilweng ka Setjhaba (di-CBO), Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka mokgwa o totobetseng le a lehlakore la kgwebo.
Ho etsa hore baabi ba ditshebeletso ba fapafapaneng ba tle ba kgone ho phethahatsa Leano la Tshehetso ya Ditjhelete (PFA), ba tla lokela hore ba tshehetswe ka mokgwa o lekaneng mme ho tshwanetse hore ho be le maemo a tla sebediswa ho ba thusa ka tjhelete diprovenseng kaofela. Ditsela tsa Tefello tsa Lenaneo la Ditshebeletso tsa Setjhaba di etsa bonnete ba hore ho na le maemo a tshwanang le tekano kabong ya mehlodi. Ditshisinyo tse entsweng tsa lenaneo la tshehetso ya ditjhelete le totobaditsweng Leanong la Tshehetso ya Ditjhelete (PFA) le tla netefatsa hore mehlodi e lebiswa bathong ba hlokang ho feta ha mmoho le mekgatlong, le hore mmuso o fana ka ditshebeletso tse kgonehang.
Lefapha ho latela sena, le ile la ntshetsa pele disebediswa tsa tamaiso tse ananetsweng le mehato ya tataiso, eo eleng karolo ya ho fana ka tshebeletso tse batsi tse lokelang ho balwa mmoho le Leano la Tshehetso ya Ditjhelete le Tsela ya ho fana ka Ditshebeletso.
Jwalo ka mmuso, re keke ra lebala mekutu le makgobonthithi a entsweng ke setjhaba ntlheng ena ya ho fana ka ditshebeletso. Re bone merero ya diprojeke tse kang Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le Lenaneo la Thuso Bofumeng (ha re qotsa mananeo a seng makae feela), e kopanya setjhaba le mmuso ha mmoho ntlheng ya ho fana ka ditshebeletso. Ke moya ona wa tshebedisano o tla re thusa ho ntshetsa pele temoho ya bophelo bo ntlafetseng le ho etsa hore batho ba habo rona ba kenye letsoho mahlakoreng ohle a bophelo. Ho ananelwa haholo tshebeletso le dinyehelo tse etswang ke baithaopi, batho ba poraefete ba fanang ka ditshebeletso le mekgatlo e thehilweng ka setjhaba.
Ke ka lebaka la mekutu e etswang ke moifo re ka kgonang ho ikotla sefuba ka hore lejwe la motheo le se le behilwe, ntle le diphepetso tse ngata re tjamelane le ho tshwanela ho nehelana ka nyehelo e kgolo ho bahloki ba dimilione ba Afrika Borwa ba emetseng ditshebeletso tse tswang ho rona ka mahlo a mafubedu.
Tshebetso ya ho ntshetsa pele Leano la Tshehetso ya Ditjhelete e simolotse ka selemo sa 1996, empa ya behwa molatsa ka selemo sa 2000. Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la theha Komiti ya Letona ho fuputsa dingongoreho tse teng ka leano le ho etsa dikgothaletso Lekgotleng la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC). Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC) le ile la etsa qeto a hore Leano la ho fana ka Ditjhelete le ke le boele le lekolwe hape. Moifo wa tshebetso o ile wa lekola Leano la ho fana ka thuso ya Ditjhelete mme qetellong la bopa Leano la ho thusa ka ditjhelete le ileng la ananelwa ka 2004 ka morao hoba le tekwe ka pele ho Dihlooho tsa Ditshebeletso tsa Thekolohelo ya Setjhaba (HSWS), Komiti ya Phethahatso (EXCO) le Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC).
Lefapha le boetse le lakatsa ho ananela batho le diinstitjushene ba ileng ba kenya letsoho ntshetsopeleng ya leano lena, mafapha boemong ba provense, mekgatlo ya setjhaba, le setjhaba ka lebaka la maikutlo a bona le nyehelo tsa bona. Selekane sa lefapha le mekgatlo ya setjhaba se dula e le karolo ya bohlokwa mekutung ya ho tshehetsa tshebetso e matla le phethahatso ya thomo ya rona.
Mohala : +27 312?
Bonamo ba leano.
Leano le Molao wa Moralo wa Tshebetso.
Moralo wa Tshebetso o amang leano ka ho otloloha le.
Melawana e laolang leano la phethahatso...?
Qaqiso tsa Tshebeletso..
Baabi ba ditshebeletso..
Makala a ditshebeletso a setjhaba.
Mekgatlo ya Phaello?
Dihlopha tsa Boithuso le Matsema..
Dihlopha tsa tshebeletso tse thehilweng Bodumeding...?
Mekgatlo eo eseng ya Mmuso ka ho phethahala.
Tshehetso ya Ditjhelete..?
Boikgethelo ba tshehetso ya ditjhelete...
Mefuta ya Tshehetso ya ditjhelete..
Tshehetso ya tjhelete ya morero o itseng...
Tshehetso ya tjhelete ya karolwana.
Tjhelete ya thuso e arolelanwang.?
Tumellano ya tshehetso ya tjhelete ya nako e telele.?
Mekgwa ya tefo..
Tefo ka dikgato tsa tshebeletso.
Tefo ya thomelo ya tjhelete ka bongata?
Tshwaneleho ya thuso ya tjhelete?
Ditlhoko tsa tshehetso ya ditjhelete.?
Tlhokomelo le Hlahlobo.
Phokotso, phanyeho le kgaotso ya tshehetso ya ditjhelete...
Kgokahano le ditherisano...?
Kajeno mmuso o tjamelane le diphepetso tsa ho sebeletsa batho ba futsanehileng ka ho fetisisa le ba hlokang thuso haholo setjhabeng. Ka nako e fetileng ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e ne e le boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba, moo mmuso o neng o fana ka tshehetso ya ditjhelete mekgatlong ka mokgwa wa thuso ya tlatsetso. Maemo a nnete a hona jwale a naha a hloka hore mmuso o boele o lekole mokgwa oo o sebedisang mehlodi ya ona ka teng ho netefatsa hore thuso ena e anela ka tekano batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
Nakong e fetileng ho lekilwe ho ntshetsa pele leano la dithuso tsa ditjhelete tse fuwang Mekgatlo e sa etseng phaello (NPOs). Le ha ho le jwalo, leano lena ha le a ka la kgotsofatsa ditlhoko tsa mmuso le lehlakore la Mekgatlo ena e sa etseng phaello (NPO). Jwale ho na le tlhokeho e potlakileng ya hore ho ntshetswe pele leano lena le tla netefatsa hore Mmuso o kgona ho phethahatsa tshepisong ya ona ya bophelo bo ntlafetseng ba batho bohle.
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete le reretswe ho tataisa naha tabeng ya ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso lehlakoreng lena la ntshetsopele ya setjhaba, ho tlisa phetoho le ho lokisa motjha wa ditshebeletso le mehlodi, e le ho netefatsa hore ditshebeletso tsa batho ba kojwana di mahetleng le ba hlokang thuso setjhabeng di sebetsa hantle le ka bokgabane.
Leano lena le tsitlallela ho tlisa katleho ya boikemisetso ba Lefapha, ka ho etsa hore batho ba futsanehileng, ba kojwana di mahetleng le ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing setjhabeng sa Afrika Borwa ba kgone ho iphumanela bophelo bo ntlafetseng, ka ho etsa selekane le bona ekasitana le ho boela ba etsa selekane le bao ba itlammeng ho theha setjhaba se tsotellang. Eleng Lefapha?
Leano le moralo wa tshebetso wa molao naheng ena le thehile boemo bo dumellang Lefapha ho finyella maikemisetso a lona, haholo mabapi le kabo e anetseng ya mehlodi. Ho ananelwa le seabo sa bohlokwa seo esale e le sa lehlakore la Mokgatlo o sa etseng phaello (NPO) ntlheng ya ho fana ka tshebeletso. Mekgatlo e meng e sa etseng phaello (NPOs) e tlisitse le diphetoho tse kgolo tse nyallanang le boemo ba nnete ba naha nakong ya hona jwale. Le ha ho le jwalo, mmuso o na le phepetso e kgolo ya diphetoho tse lokelang ho ba teng.
Leano ka tsela e jwalo le reretswe ho tlisa katleho ya dintlha tse beheletsweng ka sehloohong tsa Lefapha ka mokgwa wa tshebeletso e etsetswang bafumanehi le dihlopha tse kojwana di mahetleng le bao ba nang le ditlhloko tse ikgethang ba kang bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba ileng ba futswa ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi, le ba nang le tshwaetso ya HIV le AIDS ha mmoho le ba anngweng ke tsona.
Lefapha hore le tle le fihlelle sena le ho phethahatsa taelo ya lona ho latela molao wa motheo, le hloka ho tsepamisa hore le ikemiseditse ho finyella sepheo sefe, le hore sepheo sena se tla fihlellwa jwang ekasitana le ho lekanya boiphihlelo ba lenaneo lena le sepheo se behilweng. Leano le totobatsa diphepetso le mekolokotwane ya diphetoho, eleng yona e tla susumetsa hore ditshebeletso di etswa ka mokgwa o jwang, hokae le hore di etswa ke mang ya tla tshehetswa ke mmuso. Le hlalosa boikgethelo ba ditjhelete, mefuta ya ditjhelete, ditlhoko tsa ho tsepamisa tshwaneleho, le mekgwa ya tefo ha mmoho le ditlhoko tsa thuso ya ditjhelete.
Jwalo ka ha ho etsahala hohle lefatsheng, ba fanang ka dinyehelo ba tswang setjhabeng le batho ba poraefete ba tseka hore ho be le boikarabelo mananeong ana ao ba a tshehetsang ka ditjhelete, le mehato ya tshebetso e ntle e a hlokeha. Lefapha ka lebaka lena le tla tlabola dilekane tsa tumellano le baabi ba ditshebeletso ho netefatsa hore le fumana sephetho se lebeletsweng ka ditshebeletso tsena, le hore ho na le kgotsofalo ya mosebeletsuwa le hore ho na le boleng ba tjhelete. Ditumellano tsena di boetse di hlalosa botjha sebopeho sa dikamano tse teng dipakeng tsa mmuso le baabi ba ditsheletso. Leano le sebopehong sa ntshetsopele mme motheo wa tumellano ke tshebedisano ho feta ho tlisa kgohlano, e le hore ho tle ho etswe dikamano tsa nako e telele tse tla ntlafatswa ka kaho ya institjushene le tshehetso, haholo ho baabi bao eleng hona ba thuthuhang ba tswang tjhabeng tse neng di behilwe ka mosing nakong e fetileng.
Nako e ileng ya hlahlama selemo sa 1994 e tlisitse diphetoho tse kgolo mona Afrika Borwa. Diphetoho tsena di ile tsa ba le tshusumetso dikarolong tsohle tsa bophelo ba batho ba naheng ena, ha mmoho le institjusheneng tsa teng. Diphetoho tse bonahetseng ho feta ebile tse neng di reretswe ho ntlafafatsa ditshebeletso le ho etsa hore di kgone ho fihlilleha le ho arabela ditlhoko tsa palo e kgolo ya setjhaba.
Tshebetso ena ya ho tlisa diphetoho e sa ntsane e tswela pele mme e fupere diqholotso tse ngata bathong bohle ba amehang, haholo ba fanang ka ditshebeletso. Mmuso o fuwe taelo ya ho etsa bonnete ba hore setjhaba se sebeletswa ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa, ho ntse ho habilwe hore ho fediswe bofuma mme bohle ba etswe hore ba phele hantle ho feta.
Pampiri e Tshweu (Tokomane ya Ditherisano) ya Thekolohelo ya Setjhaba ya e tlama Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho fetola ditshebeletso tsa setjhaba ka ho latela katamelo ya ntshetsopele e toboketsang tshebedisano dipakeng tsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo. Phetoho e jwalo e lokela hore hara tse ding, e rarolle bothata ba tlhokeho ya tekano dipakeng tsa ditjhaba, boemo setjhabeng, tabeng ya hore motho ke monna kapa ke mosadi (bong) le dibakeng tse sa lekaneng.
Thekolohelo ya Setjhaba e tswelang pele e thehile maikutlo tshebedisong e phethahetseng ya bokgoni ba batho le ho kgotheletsa boikemelo ha mmoho le ho ba le kabelo ha ho etswa diqeto. Ntho ena e toboketsa le ditshebeletso tse sekametseng mohopolong wa lelapa, tse thehilweng kahara setjhaba le ho kopanngwa teng (Matjhaba a Kopaneng: 1987). Katamelo ya ntshetsopele ha e nke sebaka kapa hona ho kgetholla mokgwa ofe kapa ofe o itseng wa tshebetso, empa e toboketsa hore sephetho se tlameha ho ntshetsa pele toka phedisanong le moruong wa setjhaba ho sa natswe mokgwa o sebediswang wa tharollo.
Ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba nakong e fetileng ho la Afrika Borwa di ne di etswa ke Mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mmuso o ananela hore mekgatlo e mengata e na le mahlale a tsebo, botsebi, motheo wa matlha le mehlodi e meng, eleng dintho tse ka nyehelang kahong e etswang botjha, ntshetsopeleng le tabeng ya ho fana ka ditshebeletso. Mekgatlo e mengata e fumane tshehetso ya ditjhelete ka tsela ya thuso ya ditjhelete. Mekgatlo e meng ho ena e ile ya hatela pele haholo ka ho tjhorisa hape ditshebeletso tsa yona hore di tsamaelane le maano a mmuso le dintho tseo mmuso o di eteleditseng pele mererong ya ona. Le ha ho le jwalo, ka bomadimabe sena ha se tshekamelo e ileng ya akaretsa mme sekgahla sa diphetoho se lokela ho potlakiswa.
Ntho ena e etswa ke tlhokeho ya ho arabela mabaka a kang bofuma, tlhokeho ya mesebetsi, le sewa sa HIV le AIDS, eleng dintho tse nang le tshusumetso e matla haholo bathong. Ho feta mona, tshebeletso ya setjhaba e hloka hore e tjhoriswe e tle kgona ho toba dibakeng tse nang le tlhoko e kgolo le tse eteleditsweng pele ho feta, tse kang tsa batho ba metseng eo eseng ya ditoropo le tsa batho ba ileng ba tingwa menyetla ba amehileng haholo. Mekgatlo e thehilweng kahare ho setjhaba le mekgatlo eo eleng hona e hlahelang, eo ka dinako tse ding eleng bodulong bo botle ebile e na le monyetla o motle wa ho fana ka tshebeletso bathong ba futsanehileng le ba tinngweng menyetla, haholo batho ba metseng eo eseng ya ditoropo, e ntse e tehetswe ka thoko haholo ditjheleteng kapa ha e fumane ditjhelete tse lekaneng.
Mmuso dilemong tse fetileng o ile wa tsetela haholo lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, mme ntho ena e ile ya qobella hore ho tliswe diphetoho. Le ha ho le jwalo, taba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong ha eso kgone ho kgotsofatsa tlhokeho ya diphetoho. Mekgwa ya diphetoho hore e tle e kgone ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho hantle, e lokela ho kgweletswa (tiiswa) haholo. Ho feta mona, baabi ba ditshebeletso ba ntseng ba tehetswe ka thoko haholo ba tlameha ho atametswa lebaleng la mmuso la thuso ya dtjhelete.
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete tsa baabi ba ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba le tobisitswe haholo netefatsong ya hore mmuso, ha mmoho le lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, eksitana le mekgatlo e tswang lehlakoreng la poraefete, moo ho lokelang, o fihlele boikemisetso ba Lefapha ba ho thusa bafutsana, ba kojwana di mahetleng le ba qheletsweng ka thoko setjhabeng sa Afrika Borwa ho iphumanela bophelo bo natlafetseng ho feta, ka ho sebedisana le bona ha mmoho le bohle ba ikarabela kahong ya setjhaba se tsotellang (Moralo wa Lewa wa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba: wa 2003/4 le 2005/6)?
Leano lena le reretswe ho etsa monyetla wa ho fihlella mekolokotwane ya lewa eo Mmuso o e beheletseng ka pele ka ditshebeletso tse kopanyeleditsweng le tsa sebopeho sa ntshetsopele, le ho etsa bonnete ba tlhokomelo ya dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng, ha mmoho le bao ba nang le ditlhoko tse ikgethang, ba jwalo ka bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba anngweng ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi le ba nang le tshwaetso ekasitana le ba anngweng ke HIV le AIDS.
Batho ba nyehelang ditjhelete hohle lefatsheng, ba tswang setjhabeng le ba poraefete ba eketsa ho batla hore ho be le boikarabelo mananeong a tshehetswang ka ditjhelete, ho kenyeletswa le mehato ya tsamaiso e ntle. Ntho ena e qobella mmuso ho hlahloba ditshenyehelo le melemo ya mesebetsi ya yona le ho hlalosetsa setjhaba ka kakaretso, haholoholo balefi ba lekgetho ba lokela ho tseba hore mmuso e sebedisa tjhelete jwang le hore mehlodi ya ditjhelete e ajwa jwang molemong wa setjhaba. Ka hoo leano le reretswe ho netefatsa hore ho na le boleng ba tjhelete le hore merero ya mmuso e ka sehloohong e a phethahatswa. Ka lebaka lena ho hlokeha boikarabelo mmusong le mekgatlong eo eseng ya mmuso e fuweng thuso ya tjhelete.
Leano la thuso ya tjhelete ka hoo le reretswe ho tataisa naha le ho thusa ka tjhelete ba fanang ka ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, ho thusa ho tlisa diphetoho le ho tjhorisa ditshebeletso le mehlodi, ho netefatsa hore batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng setjhabeng ba sebeletswa hantle le ka tsela e babatsehang.
Leano le namme ebile le etsa monyetla wa hore mmuso wa naha le mebuso ya diprovense e kgone ho ntshetsa pele tataiso tsa mohato ho latela ditlhoko tse ikgethang le mehlodi e leng teng.
Theha kamano ya thuso ya ditjhelete dipakeng tsa Mmuso le baabi ba ditshebeletso ba nehelanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Tsepamisa ditlhoko le mekgwa ya ho fana ka dithuso tsa tjhelete tse lebang ho baabi ba ditshebeletso ba fanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Fana ka sesebediswa se tla thusa ka ho tlisa diphetoho tshebeletsong ya thekelohelo ya setjhaba.
Theha sesiu sa bokgoni ba mekgatlo eo eleng hona e hlahellang le e neng e ntse e tehetswe ka thoko nakong e fetileng e hlokang mehlodi empa e utlwisisa ebile e ka kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba.
Theha tikoloho e dumellang baabi ba batjha ba ditshebeletso ba neng ba ntse ba tehetswe ka thoko nakong e fetileng hore ba fumane monyetla wa thuso ya ditjhelete e tswang mmusong.
Etsa motheo wa ho hasanya mehlodi ka mokgwa o tla batla o anela ho feta.
Ho fihlelleha: Ho fihlelleha ho latela maemo a sebaka le a jeografi, nako, puo le tlhokeho.
Boikarabelo: Boinyalanyo le melao kaofela, leano le melawana ya ditjhelete.
Bokgoni: Ha ho motho ya loketseng hore a qhelelwa ka thoko ka lebaka la ho hloka bokgoni ba ho lefella tshebeletso mme moo ho nang le ditefello tse batlwang, hlahlobo ya bokgoni e lokela ho sebediswa.
Ho tshwaneleha: Karabelo maemong a phedisano, a moruo, a botjhaba le a kwano ha mmoho le maemo a dipolotiki.
Tshebetso e ntle le e atlehileng: Ho fihlellwa ha maikemisetso ka mokgwa o nang le kolopetso ho feta.
Matlafatso: Ho ntlafatsa bokgoni ba mekgatlo e sa ntsaneng e thuthuha hore e tswele pele e le hore e kgone ho kgotsofatsa maemo a tsepamisitsweng leanong.
Tekano: Ho qhalanya mehlodi ho latela tlhokeho, bohlokwa le leeme la nakong e fetileng.
Kabelo: Kameho e sebetsang ya batsamaisi, ba sebeletswang, moifo wa basebetsi, baamehi le baemedi ba setjhaba lenaneong la tlhophiso le moralong wa leano.
Selekane: Boikarabelo bo kopanetsweng mmoho le mmuso, mekgatlo ya setjhaba le ya kgwebo molemong wa ho fana ka ditshebeletso.
Ho kenyeletsa setjhaba: Maano le mananeo a ntshetsang pele toka setjhabeng.
Ponaletso: Ho kgona ho fumana lesedi, tsamaiso e pepeneneg mehato ya taolo.
Palo ya setjhaba sa Afrika Borwa e eketsehile ho tloha bathong ba dimilione tse 40,5 selemong sa 1996 ho fihlela ho ba dimilione tse 44,8 selemong sa 2001, eleng palo e supang kgolo ya 10%. (Dipalopalo tsa Afrika Borwa di phatlaladitse dikakanyo tsa mahareng a selemo ka 2003, tse akanyetsang palo ya setjhaba ho dimilione tse 46,3.) Palong eo kaofela ya setjhaba, dimilione tse 23 ke basadi ha dimilione tse 21 e le banna. Ho latela dipalopalo ho hlakile hore palo ya basadi diprovenseng kaofela ke yona e phahameng ho feta, ntle le Gauteng, e nang le palo e hodimo ho feta ya banna. Palo ya batho ho latela merabe e fapaneng ke Ma-Afrika a etsang 79%, Makgowa a etsang 9,6%, Makhalate a etsang 8,9% le Ma-Eshiya kapa Ma-India a etsang 2,5%. Dilemo tsa kgolo ya Ma-Afrika Borwa di bontsha hore naha e na le batho ba batjha ba bangata ho feta (ekasitana le ha ho ntse ho entswe siuwe monyetla o monyenyane wa phoso e ka bang teng jwalo ka ha ho bontshitswe tlalehong ya palo ya setjhaba: Dipalopalo ka bokgutshwanyane, 2003).
Afrika Borwa e balellwa dinaheng tse nang le palo e hodimo haholo ya batho ba nang le tshwaetso ya HIV le ba shwang ka lebaka la mafu a amanang le AIDS. Ka selemo sa 1990, 0,7% ya basadi ba ileng ba hlahlobuwa ditliniking tsa tlhokomelo ya baimana e ne e na le tshwaetso ya HIV; mme ka selemo sa 2002 ke ha palo ena e eketsehile ho fihlela ho 26,5%. Batho ba amehang haholo ke sehlopha se dilemong tsa ho kgona ho beleha eleng dipakeng tsa 15 le 49. Sehlopha sena se emetse batho ba nang le bokgoni ba ho sebetsa setjhabeng sena.
Palo ya baahi ba Afrika Borwa ba nang le HIV le AIDS e bontsha hore sekgahla sa tshwaetso se hodimo ho feta basading, mme ntho e ka etsang halofo ya batho ba nang le tshwaetso hona jwale ke basadi. Ho na le mabaka a fapafapaneng a bakang boemo bona ba ditaba. Le leng la mabaka tabeng ena ke matla a sa lekaneng a tekano dipakeng tsa banna le basadi.
Bana ba belehwang ba e na le tshwaetso ya HIV, kapa ba lahlehetsweng ke motswadi kapa batswadi ka bobedi ka lebaka la HIV le AIDS, ke ba pepesehileng ho feta le ba nang le monyetla wa ho ba le tshwaetso setjhabeng kaofela. Hangata ke bona ba nang le bothata ho feta ba ho kula, bothata ba tlhekefetso le ba ho sebedisetswa thobalano ho feta bana bao e leng dikgutsana ka mabaka a mang.
Dipatlisiso tsa Moifo wa Basebetsi (Loetse: 2001) di bontsha hore palo ya tlhokeho ya mosebetsi naheng ena ke 41,6%, ka palo e hodimo haholo ya tlhokeho ya mosebetsi hara Ma-Afrika e etsang 50,2% le ya Makhalate a etsang 27%.
Ho latela Dipalopalo tsa Afrika Borwa, ka selemo sa 1995 malapa a ka etsang 28% le palo e etsang 48% ya setjhaba ba ne ba phela ka boemo ba bofutsana bo ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bophelo ba bofuma palo ena e fihletswe ka motheo wa tshebediso ya tjhelete, ka hoo ho beheletswe ka thoko ntlha ya ho fihlella ditshebeletso le maruo. Ka selemo sa 1999, malapa a etsang dimilione tse 3,7, dimilione tse 11,4 tsa malapa a jwalo di ne di phela ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bofuma. Malapeng ana, boholo ke ba Ma-Afrika. Bofuma ke phepetso e le nngwe e kgolohadi e tjametseng Afrika Borwa matsatsing a kajeno. Bo tsamaya mmoho le maemo a feteletseng a tlhokeho ya tekano maemong a bophelo le monyetla wa ho fihlella mehlodi ka lehlakoreng le leng, le malapa le setjhaba a iphumanang a pepesehile mme a le kojwana di mahetleng ka lehlakoreng le leng?
Ho ya ka bafuputsi ba bangata tlhokeho ena ya tekano e hlaloswa ho latela bong, dilemo, le botjhaba le tulo. Ke basadi le malapa a hlokometsweng ke basadi, batjha, maqheku, Ma-Afrika le batho ba phelang metseng eo eseng ya ditoropo ba iphumang ba le ditleneng tsa bofuma ka ho fetisisa. Mmuso oo eseng wa kgethollo o bontsha ngongoreho ya ona e kgolo ya kananelo ya bofuma ka ho tlisa diphetoho ditekanyetsong tsa ditjhelete ka ho phallela setjhaba ka mananeo a thuso a tlhabollo ya bofuma le mananeo a tobisitsweng basading.
Mmuso wa Afrika Borwa o ananela diphapano tse teng tsa phedisano, tsa bodumedi le tsa botjhaba malapeng ha mmoho le tshusumetso ya phetoho phedisanong ya semelo le sebopehong sa setjhaba. Mehleng ya kajeno malapa a tjamelane le diphepetso tse ntjha le tlhokeho ya boiteko ba bona ba ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho ba lelapa. Malapa a mangata ho la Afrika Borwa, haholo a tswang setjhabeng sa Ma-Afrika, a amehile ha bohloko mme malapa ha kgone tswela pele ho sebetsa ka tsela e tlwaelehileng ha bofutsana bo e ja setsi, le ho ba le maikutlo a sithabetseng a ho hloka matla le a pherekano.
Ho swahlamana ha setjhaba ho totobetse boemong bo phahamang ba malapa a qhalehang, dikgoka tsa ka malapeng, mathata a boemo ba kelelllo, ditlolo tsa molao, tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi tse seng molaong le meriana e molaong, tshebediso ya thobalano ka tsela ya ho etsa kgwebo, tlhokeho ya bodulo, le bana ba phelang le ho sebetsa mebileng.
Ho latela dipalopalo tsa 2001, ho na le batho ba qhwadileng ba 2 255 982 mona Afrika Borwa. Bothata bo boholo ba ho qhwala ke ba bofufo le kgolofalo ya mmele. Provense e nang le batho ba bangata haholo ba qhwadileng ke KwaZulu-Natal, ka palo e etsang (470 588), e latelwe ke Kapa Botjhabela ka (372 265) le Gauteng, ka batho ba 331 611 ba nang le kgolofalo tse ding tse itseng. Provense e nang le palo e tlase ya batho ba qhwadileng ke Kapa Leboya.
Boemo bona bo ka hodimo bo fana ka kakaretso e ka mmoho ya boemo ba phedisano le moruo naheng ena. Mmuso o hatetse pele haholo ka ho rarolla mathata ana, jwalo ka ha ho bontshitswe tekodisisong ya dilemo tse leshome ya phethahatso ya mananeo a mmuso. Diphepetso le ha ho le jwalo ha di jese ditheohelang le letho feela, haholo ho latela ditshebeletso tseo Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba di fanang ka tsona hohle naheng ena. Ditshebeletso tsena di mathuleng a ho finyella batho ba futsanehileng, ba behilweng ka mosing le ba kojwana di mahetleng setjhabeng.
Diphepetso le merero e eteleditsweng pele ke ntho tse lokelang ho rarollwa ka mokgwa o bontshang tshebediso e ntle ya tjhelete, mme leano lena le etsa monyetla wa disebediswa tse etsang hore Lefapha le fapose ditshebeletso le kabo ya mehlodi ho netefatsa hore maikemisetso ana a tla kgona ho ka fihlellwa.
Katoloso ya tshusumetso ya tshireletso ya setjhaba diprovenseng tse ding tse itseng eseng e jele ho feta 90% ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Lefapha, ha ho phethahatswa mosebetsi wa bohlokwa haholo wa polokeho, e batla e katlile haholo tjhelete e abetsweng ho phetha mosebetsi wa ditshebeletso tsa setjhaba?
Swilling and Russell ho latela dipatlisiso tse batsi tsa Mekgatlo eo eseng ya mmuso ya Afrika Borwa, ba re mekgatlo eo eseng ya mmuso ke karolo ya bohlokwa moruong wa Afrika Borwa, ka tjhelete e sebediswang e neng e etsa R9,3 billion ka selemo sa 1998, eleng palo e etsang 1,2% ya Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha (GDP). Palo kaofela ya basebetsi mekgatlong eo eseng ya mmuso ka selemo sa 1999 e ne e feta palo ya basebetsi (ho kenyeleditswe basebetsi ba nakwana le basebetsi ba baithaopi) ba sebeletsang khampani e kgolo naheng ena. Selemong sona seo, baithaopi ba etsang 1,5 million, ba ile ba nyehela nako ya bona le matla a bona ho sebetsa Mekgatlong e sa etseng phaello (di-NPO) ya Afrika Borwa. Ha ho sebediswa diphesente ho bapisa hona le seabo sa baithaopi ba moifo wa tshebetso e sa etseng phaello dinaheng tse 28, eleng palo e etsang palohare ya 35%, ho fumaneha hore Afrika Borwa e eme ho 47%.
Ha sena se tadingwa ho latela lehlakore la kgwebo, ho bonahala hore karolo ya ditshebeletso tsa setjhaba e na le palo ya phesente e hodimo haholo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO), e etsang 22 755 (23%) ho palo kaofela ya Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) e 98 920 mahlakoreng a 11 a fapaneng.
Tshebeletso tsa ba qhwadileng?
Lesedi le fumanehang lenaneng lena le qotsitswe ka ho otloloha mohloding wa lona.
Le ha dintlha tse ka hodimo di sa bontshe hantle dibaka tsa ho kopanngwa ha tshebeletso, di bontsha dibaka tse fumanang ditshebeletso tsa bohlokwa tseo eleng tsona tse eteleditsweng ka pele mmusong. Ho latela letlole la ditjhelete, ho akanngwa hore lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ka selemo sa 1998 le ne le na le R18 billion, mme karolo e etsang 42% (R5,8 billion) ho yona e ne e le nyehelo e tswang mmusong. Tjheleteng eo mmuso o nyehetseng ka yona, e etsang R2,1 billion e thesemeditswe ditshebeletsong tsa setjhaba, R1,7 billion ya tsetelwa ho tsa bophelo bo botle mme R1,1 billion ya thusa ntshetsopeleng ya bodulo.
Swilling and Russell (2001:35) ba re mahlakore a ileng a amohela tjhelete e ngata ya thuso e tswang mmusong a ne a bonahala e ntshetseditswe pele hantle, Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) e neng e sebetsa ho feta ke e thehilweng dibakeng tsa ditoropo tsa boemo ba batho ba sebetsang le ba boemong bo bohareng ho feta, 47% ya ditshebeletso tsa setjhaba tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) le 42% ya tshebeletso tsa bophelo bo botle tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) di ne di fumaneha ka bongata mekgahlelong ya phedisano le moruo wa batho ba boemo ba tjhelete e bohareng. Sena se hanyetsana le tlwaelo le boithapollo, le mahlakore a ntshetsopele le a matlo, moo halofo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) mahlakoreng ana ka bobedi e fumanehang ka bongata mekgeng e futsanehileng ho feta ya moruo le phedisano. Ba ile ba fihlela qeto ya hore ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle a Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) di sebeletsa lehlakore la makgowa la setjhaba, mme ho na le monyetla wa hore le hona jwale di ntse di etsa jwalo. Hona ha ho bolele hore Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le ditshebeletso tsa setjhaba ha e kgotsofatse ditlhoko tsa batho ba futsanehileng, empa ho bolela hore tshekamelo e teng e nang le monyetla wa ho hlahisa ngongoreho ya hore ke bomang ba unang molemo tshehetsong ena ya thuso ya tjhelete e tswang mmusong bakeng sa tshehetso ya ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle ba setjhaba (ibid: 36)?
Dipatlisisong tse boletsweng ka hodimo, ho ile ha fumaneha hore tjhelete ya boikgwantlello e entse 34% ya tjhelete ya Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) kaofela. Tjhelete ena e fumanehile ditefellong tsa tshebeletso, merokotsong le mehloding e meng ya boikgatlello ba ho kenya tjhelete. Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ya ditshebeletso tsa setjhaba e fumanehile e le yona e bokeletsang tjhelete ho feta ya ditshebeletso, ka morao hoba e bokelle R1,2 billion ka 1998. Tjhelete ena e emetse 32,4% ya ditjhelete kaofela lehlakoreng lena, ka dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso tse fihlang hoo 56,5% le tse tswang lehlakoreng la poraefete tse etsang 11,1%.
Lenane le ka hodimo le fana ka setshwantsho se hlakileng le se sekgutshwanyane sa lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ho la Afrika Borwa. Le ha dipatlisiso tsena di entswe ka 1999, di sa ntsane di tshwanela ditaba tsena mme di tiisitse le ditemoho tse ngata tsa tshebetso tse entsweng ke mmuso. Hlophollo ena e tiisa le seabo sa bohlokwa sa baithaopi lehlakoreng la tshebeletso ya setjhaba, ha mmoho le bokgoni ba mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) e seng e tsepamisitswe hantle, ba ho etsa letlole leo eleng la bona la pokeletso ya ditjhelete ka ditefello le mehlodi e meng ya ho bokeletsa tjhelete. Ka morao ho tsena tsohle, ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore mekgatlo e metjha eo eleng hona e thuthuhang e kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba sa moo e leng teng, esale e tehetswe kantle tabeng ya kabo ya mohlodi wa ditjhelete.
Ntlha e ka hodimo e boetse e bolela dintho tse ngata mabapi le dikamano tsa mmuso le Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO). Sena se boetse se beha boikarabelo mahetleng a mmuso hore o boele o fapose le ho fana ka mehlodi e metjha ho netefatsa hore ho na le tekano, tharollo le ntlafatso kahare ho lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO), e le hore bokgoni ba motheo bo tle kgone ho entswa dibakeng tse nang le mehlodi e haellang. Mmuso o boetse o lokela ho tadima le dibakeng tse ding ho tiisa hore ditshebeletso di nyalana le boikemisetso le dintlha tse eteleditsweng pele. Baabi ba ditshebeletso ka lehlakoreng le leng, ba lokela ho etsa mananeo a tla tshwarella ho ya ho ile a kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bongata ba dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng.
Kabo ya Lefapha ya mehlodi e sekame haholo ka lebaka la ntlafatso ya letloha la polokeho, leo eleng la bohlokwa phedisong ya bofuma ebile e le bonwang e le mokgwa o moholohadi wa ho fetisetsa tjhelete ya boiphediso ho bafutsana naheng ena. Le ha ketso ena e le e nepahetseng molemong wa ho theha letloha la polokeho, sena se e ntse hore Lefapha le sebedise palohare ya 90% ya ditekanyetso tsa lona tsa dithuso tsa setjhaba, mme ha sala feela 10% ditekanyetsong tsena molemong wa ho fana ka lethathama le batsi la ditshebeletso, ho sa natswe hore ke ditshebeletso tse etswang ke Mekgatlo eo eseng ya mmuso (di-NGO) kapa ke mmuso.
Moralo wa lewa wa Lefapha o hlahisa ntlha ya bohlokwa hore thuso bofumeng le ntshetsopeleng ya setjhaba, ditshebeletsong tsa tshireletso ya bana, tshebeletsong tsa setjhaba bathong ba seng ba hodile, bathong ba qhwadileng, le tshebeletsong tsa tshehetso ya diphofu tsa dikgoka tsa malapeng e na le ditekanyetso tse shaitsang haholo. Le ha dithuso tse nang le dipehelo di kgona ho tlisa tharollo ya bothata bona, diprovense ha di a kgona ho di bopella kahare ho ditekanyetso tsa tsona ho tiisa hore ho tla dula ho na le tshehetso ya ka nako e telele.
Bokgoni bo fokolang mahlakoreng ana ka bobedi ho latela dipalo, mahlale le ditjhelete bo ile ba hloka hore ho suthwe ka mokgwa o itseng leanong ka sepheo sa ho netefatsa hore ditshebeletso di tobiswa ho batho ba hlokang ho feta. Ho tsamaya ha basebetsi ba thekolohelo ka bongata bo boholo ba ileng ba lesa mosebetsi wa mmuso le wa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso ho leba moo ho nang le menyetla e ntlafetseng teng dibakeng tse ding le tshusumetso ya tshebedisano ya lefatshe ka kakaretso, ke dintho tse ileng tsa totisa bothata bona ba bokgoni le ho feta. Ntho ena e utlwahala ka dinako tse ding ha ho fanwa ka ditshebeletso le ka tshusumetso ya ditshebeletso e teng bathong ba sebeletswang. Ha se mmuso feela o utlwang bothata ba kgaello ena empa le mekgatlo eo eseng ya mmuso e sebeletsang setjhaba le yona e utlwa boima bona. Ho ile ha ba le bofokodi, haholo boemong ba diprovense, ba ho haellwa ke ho eketsa dithuso tsa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, haholo lehlakore le letjha le kang mekgatlo ya bodumedi, baithaopi, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng e ikemiseditseng ho sebeletsa batho ba haellwang ke mehlodi, bao esale ba tinngwe menyetla nakong e fetileng le ba futsanehileng.
Ka hoo, le ha leano lena le leka ho tlosa mehlodi le ditshebeletso maemong a moo di leng ngata teng, leano lena le boetse le amohela hore tshebeletso tsa ntshetso pele ya thekolohelo ya setjhaba ka nako e fetileng esale di fuwa tjhelete e haellang mme ho fihlela tekano ekasitana le ho rarolla diphepetso tsa hona jwale, ho tla hlokeha hore ho fumanwe mehlodi e meng ya ditjhelete.
Lefapha ho latela leano lena le tla leka ho ntshetsa pele mekgwa le mehato e loketseng hore le kgone ho arabela ditlhoko tsa diphetoho jwalo ka ha di lokodisitswe tokomaneng ya leano.
Sepheo sa karolo ena ke ho hlakisa dintlha tse nkeletsweng hloohong ka leano lena tse etsang hore ho phethahatswe ditemana tse tshwanelehileng tsa dikarolo tse fapafapaneng tsa molao wa naha o batlang ho rotetsa tshusumetso ya taelo ya mmuso ya molao wa motheo le boitlamo ba matjhaba. Dikarolo tsa molao wa naha tseo ho buuwang ka tsona mona di amana kapa di etsa monyetla wa ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso molemong wa ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Melao kaofela le ditemana tsa leano le laolang ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba naheng ena.
Ka ho kgema mmoho le leano le molao wa moralo wa tshebetso o hlahisitsweng ka hodimo, Lefapha le na le boikarabelo bo boholo le thomo ya ho fana ka ditshebeletso tsa babatsehang ka moo ho ka kgonehang ka teng setjhabeng, haholo lehlakore la batho ba kojwana di mahetleng le ba futsanehileng.
Bontsha ka moo o tla lekanya katleho ya lenaneo la ho fihlela sepheo sa ona.
Tsena tse ka hodimo di tla ba le matla a tshebetso tshebeletsong ya setjhaba ha mmoho le makaleng a tla sebedisetswa ho fana ka ditshebeletso le a tla abelwa ditjhelete. Qaqiso di tla tsepamisa taba ya ho fana ka ditshebeletso boemong ba naha kapa ba provense mme di tla itshetleha hara tse ding, diphuputsong, dipalopalong, dikopanong tsa setjhaba tse tshwanang le dipitsong tse phatlaladitsweng ke mopresidente le kapa letona, le Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele.
Ka hoo qaqiso ya tshebeletso e tla tsepamisa hore hona ho tshwanetse hore ho etswe hokae, le hore tjhelete e lokela ho abuwa ka lebaka lefe. Tsena di tla netefatsa hore mawa a mekgatlo ya boemedi le mananeo a etswa hore a phehelle ho ikamahanya le leano le batsi la Lefapha. Lefapha le utlwisisa tlhokeho ya lehlakore lena le ho hlokomela boikemelo ba lona, le ha ho le jwalo, mabaka a phetoho a qobella Lefapha ho arabela ka nepo ho diphetoho tse teng ditshekamelong tsa dipalopalo, le ditekanyetsong tsa ditjhelete le tsa dipolotiki.
Afrika Borwa esale e ntse e fetoha ka sekgahla se kekeng sa lekanngwa. Tshebetso ena ya phetoho e tswela pele mme ke yona eo mmuso o tla itshetleha ho yona tabeng ya hore o tla sebedisa mehlodi jwang ho fihlela e anela bohle le ho rarolla tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng e ntseng e hlahela le mehleng ena lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba. Ka morao ho leano la qetelo le mabapi le ho fetolwa ha thekolohelo ya setjhaba, mekgatlo e mengata e sa etseng phaello e ile ya leka ho fetoha ho latela tataiso tseo ho neng ho fanwe ka tsona. Le ha ho le jwalo, ho sa na le diphetoho tse ngata tse tjametseng taba ya ho fana ka ditshebeletso.
Ho finyelleha ha ditshebeletso.
Ho ajwa ka tekano ha ditshebeletso le mehlodi bathong ba metseng eo eseng ya ditoropo le metseng ya ditoropo.
Ho etsa hore menyetla e hloke kgethollo ya botjhaba, haholoholo mahae a maqheku.
Ntshetsopele ya tshebeletso tse itshetlehileng setjhabeng ho feta.
Makgotla a Taolo le dibopeho tse bontshang boemedi ba dipalopalo tsa batho tsa lebatowa le provense e sebeletswang.
Netefatso ya tlhokomelo ya motjha o tjhele ya mekgatlo e sa etseng phaello eo eleng hona e thuthuhang le e behilweng ka mosing.
Ho bopa bokgoni ba taolo le ba ditjhelete bakeng sa mekgatlo eo eleng hona e thuthuhang.
Ho netefatsa hore ho thusanwa ka mahlale a tswang mekgatlong e seng e tsepame hantle ho leba ho mekgatlo eo eleng hona e ntseng e thuthuha.
Ntshetsopele ya tsela e kgonehang ya tefiso ya ditefello.
Ntlafatso ya motheo wa tshebetso ya mantlha le motheo wa mehlodi mekgatlong e sa etseng phaello eo esale e behilwe ka mosing le ya ditjhaba.
Ho katla tshebetso ya ho kgaokgaohanya ditshebeletso tsa setjhaba.
Ho sutha tseleng ya tshebeletso ya tlhodisano le ya boinotshi ho kena katamelong ya tshebedisano le ya ho ipopa ngatana e thusang hore ho fanwe ka mahlale le ho kopanela tshebeletso.
Ho etsa monyetla wa tshebeletso e kopanetsweng e tla arabela ka nepo ditlhokong tsa setjhaba, le ho ananela matla a bona le bokgoni ba matlafatso, mme ka ho etsa jwalo ho phahamiswe tshebediso ya mehlodi e teng setjhabeng.
Diphepetso tsena ha se tsa bohlokwa feela mmusong empa di lokela ho emela sepheo sa boipopo ba bohle ba fanang ka ditshebeletso ho etsa bonnete ba hore ho fana ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya setjhaba ka mokgwa o nang le toka le o hlokang leeme, ho bao ba hlokang thuso ya ditshebeletso ho feta.
Ho sutha tabeng ya ho tshehetsa mekgatlo ho latela motheo wa hore ke yona e nang le tokelo ho feta, wa botjhaba, wa bong le wa tulo ya sebaka , le fetohela ditshebeletsong tse ntshetsang pele tekano, phapano le ho kopanya setjhaba.
Ho sutha ho fepela dibaka tse nang le mehlodi e mengata ho feta le ho isa thuso ena dibakeng tse eteleditsweng ka pelepele moo tlhokeho ya thuso e leng kgolo haholo.
Ho sutha thusong ya ditjhelete e thehilweng ho nyehelo ho leba ho tshehetso ya ditjhelete e thehilweng sephethong.
Ho sutha ntlheng ya ho hloka boikarabelo ho leba mokgweng wa boikarabelo mabapi le ditjhelete tsa setjhaba.
Ntho ena e tla hloka hore mmuso o itahlele ka setotswana ka mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete le mehato e meng ho netefatsa hore ho sutha hona ho etswa le ho haha motheo wa mantlha wa tlhekelo ya mosebetsi le bokgoni ba kahare ho mekgatlo e tinngweng menyetla le ditjhabeng tse jwalo, haholo dibakeng tsa metseng eo eseng ya ditoropo.
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore ditshebeletso jwalo ka dintlha tse eteleditsweng pelepele, di rerile ho boloka ba folang molemo ba le ka malapeng a bona ha mmoho le baahi. Moo tlhokomelo e nngwe e bonwang ho latela hlahlobo ya profeshenale e le boikgethelo bo molemo ho feta, e tla lokela hore ka moo ho ka kgoneng ka teng e etswe hore e ikemisetse ho ntshetsa pele le ho boloka maqhama a lelapa le a setjhaba a phela.
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba boiteko bo kopanetsweng ba ho etsa hore mokgatlo o seke wa itshetleha haholo tjheleteng tsa thuso tse tswang mmusong mme o kgona le ho ikemela ho feta ditabeng tsa ditjhelete.
Hore baabi ba ditshebeletso ho bolelwa batho ba bangata ba molao ba sebopehong sa mekgatlo le meifo e fanang ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba.
Mekgatlo ena ke e ikemetseng boemong ba naha, ba provense le ba selehae, mme e kenyeletsa mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mekgatlo ena e ka thehwa mme ya sebetsa jwalo ka mekgatlo ya baithaopo, diterasete, dikhampani tsa karolo ya 21, mekgatlo e nang le setswalle kapa metheo. Letshwao le tlwaelehileng la mekgatlo ena ke hore ha se mekgatlo e habileng ho etsa phaello.
Mekgatlo ena e etsa mesebetsi e fapafapaneng ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka motheo wa ho etsa phaello.
Dihlopha tsena ke tsa batho ba ipopileng ngatana ho ithuta mahlale a itseng kapa ho rarolla ditlhoko tse itseng ka morero wa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona. Sepheo sa dihlopha tse ding kapa matsema (dikoporasi) ke ho etsa mekutu ya ho fumana tjhelete e kenang. Matsema (cooperatives) ka kakaretso a ngodisitswe ho latela molao {Molao wa Matsema wa 1981}.
Dihlopha tse hoketsweng bodumeding bo fapaneng ka tshebeletso tse arotsweng le tsona di etsa mosebetsi wa bohlokwa setjhabeng. Tse ding tsa dihlopha tsena mohlomong ke tse neng di hlophisitswe ebile di ngodisitswe pele, ka hoo di akaretswa ke serapa sa 8.1.1 ka hodimo. Dihlopha tse ding tsona ke tsa boithaopo bo phethahetseng.
Mafapha a naha le a provense a Ntshetsopele ya Setjhaba le mafapha a mang a fapaneng a fana ka ditshebeletso tse amanang le tsa ntshetsopele ya setjhaba (tadima thuso e arolelanwang ya ditjhelete 9.2.5). Seabo sa mmuso wa selehae jwalo ka baabi ba ditshebeletso le sona se a ananelwa.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala ke mekgatlo eo eseng karolo e phethahetseng ya lehlakore la mmuso wa naha kapa wa provense, empa e sebetsa ha mmoho le mmuso mme e thehilwe ka molao o tsamaiswang ke lehlakore la mmuso. Ka kakaretso mekgatlo ena e nehelana ka tlaleho ho latela Molao wa PFMA wa 1 wa selemo sa 1999.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala e ka nehelana ka tshebeletso e ikgethang e welang bonamelong ba leano lena la thuso ya ditjhelete, e jwalo ka ntshetsopele le diphuputso.
Lefapha le amohela hore ha se lona feela leo eleng mohlodi wa tshehetso ya tjhelete bakeng sa batho ba futsanehileng le lehlakoreng la setjhaba se kojwana di mahetleng. Le boetse le amohela hore ka ho ikgetha, mekgatlo e seng e tsepamisitswe hantle e na le bokgoni le metheo e hlokehang ya mantlha bakeng sa ho bokeletsa matlole a ditjhelete. Ho latela boikgethelo ba matlole jwalo ka ha ho tla hlaloswa mona ka tlase, ho fanwa ka ditjhelete tsa thuso ka kutlwisiso ya hore mekgatlo ena e bokella matlole mme e tla tswela pele ho bokella ditjhelete tse tswang mehloding e meng e kang mafapha a mang a mmuso, mekgatlo e fanang ka dinyehelo, mananeo a boikarabelo ba setjhaba lehlakore la dikgwebo tsa poraefete, ka diterasete le mekgatlo e thehilweng le tjhelete ya phaello e tswang dinthong tse jwalo ka Loto.
Ka ho nkella hlloohong tsohle tse boletsweng ka hodimo, karolo e latelang e reretswe ho fana ka tataiso tse mabapi le tshehetso ya tjhelete ya thekolohelo le lehlakore la ntshetsopele ya setjhaba bakeng sa ho fana ka ditshebeletso.
Ditlhoko tsa tshehetso ya ditjhelete.
Lefapha le na le seabo sa bohlokwa tlhophisong ya phepelo ya ditshebeletso. Le etsa jwalo ka ho nehelana ka tshebeletso e jwalo ka bolona, kapa ka ho fumana mekgatlo ya kantle hore e nehelane ka tshebeletso tseo. Leano le ipapisitse le ntlha ya qetelo.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thuso ya tlatsetso ya mananeo a kgotsofatsang ditlhoko tsa mantlha tsa Lefapha.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thendara e kwetsweng. Maemong a tjena Lefapha le ema ka maoto ho fumana ditlhoko ebe le meme dikopo tse tswang ho baabi ba loketseng ba tshebeletso, ho netefatsa hore ho fanwa ka ditshebeletso moo di hlokehang teng.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ya ditshebeletso ho latela tsela ya dithendara tse buletsweng bohle. Moo ho leng tjena, dimemo tsa ho fana ka ditshebeletso di etswa ka mokgwa wa ho latela mehato le maano a dithendara.
Moo tshebeletso e sa ntsane e le boemong ba kgato tse qalang tsa ntshetsopele mme e eso tshwanelwe ke ho fumana tshehetso ya ditjhelete ho latela sekepele se behilweng, ho ka nna ha nahanwa ka mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete.
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o ka nna wa lekolwa bakeng sa dintho tse sa jeweng tse kang fanitjhara, thepa le tlhokomelo. Maemong a ikgethang haholo mofuta ona wa tshehetso ya ditjhelete o ka nna wa lekolwa le ona bakeng sa ntshetsopele ya motheo wa mantlha wa tlhekelo, ho latela boinyalanyo le ditlhoko tsa molao mabapi le thuo.
Ena ke tshehetso ya tjhelete ya mofuta o tlang hang mme e sebetsa mererong ya diprojeke tsa hlokang feela tshehetso ya qalo hore e tle e kgone ho itjara.
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa feela moo karolo e itseng ya tshebeletso e kgolwanyane eleng yona e ananetsweng bakeng sa ho tshehetswa ka tjhelete.
Tsela ena ya tshehetso ya ditjhelete e etsahala ha baabi ba fapaneng ba thuso ya ditjhelete ba etsa qeto ya ho kopanela tshehetso ya tshebeletso e itseng kapa ho tshehettsa karolo tse fapaneng tsa tshebeletso e batsi.
Mokgwa ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa ditshebeletsong tse sebetsang nako e telele mme o na le maikemisetso a nako e telele, le katleho ya morero ona e itshetlehile tshehetsong ya tjhelete e tswang Lefapheng hore morero ona o tsebe ho tswele pele ho sebetsa ka ditefello tsa letsatsi le leng le le leng. Tshehetso ya ditjhelete e ntshetswa pele ha feela tshebeletso e ntse e dutse e eteleditswe pele mme ho tiisitswe le taba yanyalano le dipehelano tsa tumellano.
Karolo ena e fana ka moralo wa ka moo Lefapha le tla romela ditefello ka teng ho mafani wa tshebeletso ya keneng tumellanong le lefapha.
Mokgwa ona wa tefo o sebediswa moo tefo ya tjhelete e hlahlamang e itshetlehileng phetholong e fihletsweng ya mosebetsi wa kgato e fetileng.
Ho tla lekolwa taba ya ho romela tjhelete kaofela moo baabi ba tshebeletso ba nang le rekoto e bonahalang ya bopaki ba boinyalanyo, tshepahalo le boikarabelo. Sena se etsahala moo mekgwa e meng ya tefo e sa lokelang, jwalo ka, hara tse ding, maemo a phallo ya tjhelete le boemo bo batlang bo le mangweleng ba tshehetso ya tjhelete.
Mokgwa ona wa tefo o bolela hore tjhelete e abetsweng selemo e arolwa ka dikotwana tsa kgwedi le kgwedi, tsa kgwedi tse ding le tse ding tse tharo kapa tse tsheletseng, mme e lefuwa ka tjhelete tse lekanang, ho thusa ka taolo ya phallo ya tjhelete le taolo ya tjhelete e sebediswang.
Lefapha le na le tokelo ya ho tsepamisa hore ke karolo efe ya boikgethelo e tla tshwanela moabi wa tshebeletso. Le ha ho le jwalo, Lefapha le tla nkella hloohong boipiletso bo tla etswa ke moabi wa tshebeletso bakeng sa boikgethelo bo bong bo fapaneng ba tefo.
Moabi wa tshebeletso o tla tshwanelwa ke thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba haeba moabi wa tshebeletso a kgotsofatsa ditlhoko tse latelang.
a kgone ho ikarabela tshebedisong ya thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng ka mokgwa o amohelehang le ho latela dipallo tsa Molao wa Taolo ya Tjhelete tsa Setjhaba (PFMA) wa 1 wa 1999.
e be o ngodisitswe ka molao ho latela molao ofe kapa ofe o mong o amanang le tshebeletso ka ho qoholleha mohlala. Molao wa Tlhokomelo ya Bana, wa Batho ba tsofetseng, jwalo jwalo.
a tshehetse le ho itlama ho arolelana mehlodi le ho fana ka mahlale a tsebo ho mekgatlo e ntseng e thuthuha.
Baabi ba tshebeletso ba lokela ho nehelana ka moralo wa kgwebo jwalo ka sena se laeleditswe mohatong wa tataiso.
Maikemisetso, tshebetso le sephetho.
Ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso tse bontshang bongata ba tjhelete e hlokehang le sepheo seo tjhelete e tla se sebedisetswa.
Seabo le boikarabelo ba mafani wa tshebeletso ya amehang le sa Lefapha di tla hlakiswa hantle tumellanong e tla saenelwa ke mahlakore ana a mabedi.
Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Mmuso di laolwa ho latela motheo wa nako e bohareng wa moralo wa tshebetso wa tshebediso ya tjhelete (MTEF), eleng moralo wa dilemo tse ngata o akaretsang sedikadikwe sa dilemo tse tharo. MTEF e thusa mmuso hore o rale ka tsela ya lewa ho latela motheo wa mehlodi ya ditjhelete o hopoletsweng nako e tlang. Hore Lefapha le kgone ho arabela ka tsela e loketseng ditlhokong tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ya naha ena, le lokela ho ba boemong ba ho shebela pele tshusumetso e tla utlwahala tjheleteng ha ho fanwa ka tshebeletso ka motheo wa dilemo tse ngata.
Ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng le moo ho lokelehang teng, meralo ya kgwebo e lokela ho fana ka setshwantsho sa moralo wa dilemo tse ngata le ditekanyetso tsa nakong ya ho fihlela ho dilemo tse tharo. Ntho ena e tla etsa hore Lefapha le kgone ho nkella hloohong nepahalo le bokgoni ba ntshetsopele ya mekutu ya nako e telele e reretsweng ho rarolla dintlha tse eteleditsweng pele le ho susumetsa tshuthiso tse tlisang phetoho. Maemo a tshehetso ya ditjhelete bakeng sa selemo se hlahlamang ha mmoho le kananelo ya motheo ya tshehetso ya ditjhelete nakong e teletsana e tla itshetleha sephethong sa hlahlobo ya mosebetsi o entsweng papisong le maikemisetso a tsepamisitsweng ha mmoho le bonamo boo moabi wa tshebeletso a kgonang ho kgotsofatsa diphepetso tsa diphetoho ka ona.
Ditebello tse tshwanang ka mahlakoreng a mabedi mabapi le tshehetso ya ditjhelete le taba ya ho fana ka ditshebeletso ke dintho tse tla ngolwa ka molao tumellanong e tla saenelwa ke Lefapha le moabi wa tshebeletso. Boikarabelo bo totobaditswe ka mokgwa o hlakileng. Ho feta mona, tumellano le yona e totobatsa boitlamo ba moabi wa tshebeletso ho latela tseo a lokelang ho di phethahatsa, tlaleho le boikarabelo ekasitana le mehato ya hlahlobo e tla latelwa ho netefatsa boikarabelo ba ditjhelete tsa setjhaba tse amohetsweng.
Lefapha le ka nna la kena tumellanong ya selemo se le seng kapa maemong a mang le ka nna la kena tumellanong tsa dilemo tse ngata le baabi ba ditshebeletso. Tumellano ena ya bobedi e tla etswa moo Lefapha le kgotsofetseng hore tumellano ya selemo se le seng e keke ya kgoneha le hore ha e batlehe ka lebaka la sebopeho sa tshebeletso, mofuta le boemo ba letsete ekasitana le bobatsi ba moralo.
Se lebeletsweng tshebeletsong ka ho ikgetha dibakeng tse qoholehileng.
Ditlhophiso tsa ditjhelete.
Seabo le boikarabelo ba Lefapha ha mmoho le moabi wa tshebeletso.
Nako ya tumellano.
Ditlhoko tsa ho fana ka tlaleho le boikarabelo ditjheleteng nakong tse itseng tse tsepamisitsweng.
Tlhokomelo le hlahlobo ya ditlhophiso.
Tlhokomelo le hlahlobo ke mosebetsi o tswelang pele le o tla dula o ntshetswa pele.
Sepheo sa tlhokomelo le hlahlobo ke ho lekanya boinyalanyo le tumellano, dipehelano tsa ho fana ka ditshebeletso le taolo ya ditjhelete.
Ditjhelete bonamo ba ka moo moabi wa tshebeletso a inyalanyang le dipallo le ditlhoko tse tsepamisitsweng tsa tumellano, le hore naa lewa la mofani wa dipatlisiso, phethahatso le phethiso di na le nyehelo hore ho fihlelwe sepheo, le ho fana ka poello hodima letsete le boleng ba tjhelete?
Mosebedisi lehlakore lena le tsepamisa maikutlo hodima tshebeletso eo ho fanwang ka yona ha mmoho le kgotsofalo ya mosebedisi kapa moamehi ka sephetho sa tshebeletso; ntho ena e bontsha karabelo, nako, botshepehi, tiisetso le kutlwelo mabapi le moamohedi ya fuwang ditshebeletso tsena. Ntho ena e kenyeletsa tsepamiso le ho kgethulwa dikalwana ha sebaka sa tshebeletso le ho lekanya katleho ya tlhophiso dibakeng tseo tse habilweng tse kgethutsweng?
Lehlakore la Tlhophiso (kgwebo ya kahare) lehlakore lena le tsepamisa maikutlo tshebetsong tsa bohlokwa tsa kahare tseo moabi wa tshebeletso a lokelang hore a itje ka tsona hore a fihlele boikemisetso ba lewa la hae. Tshebetso tsa kgwebo ya kahare di lokela hore di etse monyetla wa ntlafatso ya katleho e tswelang pele motjha o tjhele e mabapi le bokgoni ba sehlooho ba tlhophiso le bokgoni ba ho fihlella mekolokotwane e behilweng le ho fihlella kgotsofatso ya mosebedisi. Sena se boetse se bolela hore moabi wa tshebeletso o lokela ho hlophisa tikoloho hore ho be le nyalano ha mmoho le karabelo ya mabaka a ho tlisa diphetoho?
Lehlakore la dintlafatso le tlwaelo ya ho ithuta mokgatlo o lokela hore o dule o fetola ka dinako tsohle dihlahiswa tsa ona le tshebeletso tse fuwang mosebedisi ho kgema le sekgahla sa tswelopele tse ntjha le ditlhoko tsa tshebeletso. Ntho ena e boetse e amana le ntlafatso ya ho ya ho ile ya boleng ba shebeletso e fuwang baamohedi, e le hore e nepahale, e sebetse hantle le ka bokgabane, le hore e kgone ho hata mmoho le ditlhoko tse fetohang tsa setjhaba se sebeletswang. Hona ho bolela hore ho tshwanetse ho be le thupelo le matlafatso ya moifo wa basebetsi hore ba kgone ho etsa mesebetsi eo ba e abetsweng, le ho ntshetsa pele tlwaelo e hlwahlwa ha mmoho le ntshetsopele ya boithuto le kgolo ya mokgatlo?
Karolo ya bohlokwa ya tlhokomelo le hlahlobo e tla ba e tobileng mehatong ya ntlafatso e tla sebediswa maemong a moo ho bonahalang bofokodi bo le teng le ho se ikamahanye le dipehelano.
Ho kgema le molao o lokelang, maano le ditlha tse eteleditsweng pele, ditabatabelo le maemo ekasitana le mehato.
Ho netefatsa hore ditjhelete tse abilweng di sebedisetswa merero eo ho dumelanweng ka yona tumellanong.
Ho tsepamisa hore naa ho ikamahanngwa le mabaka a qobellang hore ho be le diphetoho.
Ho kgothaletsa tlwaelo ya ho sebetsa ka tsela e hlwahlwa.
Ho tsepamisa hore naa ho na le kameho e phethahetseng ya batho ba folang molemo ho sena, baamehi le setjhaba moralong wa sebopeho sa mokgatlo, maano a (tsamaiso) le taba ya ho fana ka tshebeletso.
Ho hlokomela phethahatso ya lewa la taolo ya phapano mokgatlong.
Ho hlokomela hore naa mokgatlo o na le moralo o tla tshwarella nako e telele.
Moabi wa tshebeletso o lokela ho hlokomela le ho disa tshebetso eo eleng ya hae, ka kopanelo le ba folang molemo, ekasitana le ho netefatsa hore o fana ka tshebeletso ya boleng. Lefapha le tla sebedisa lesedi lena e le karolo ya tshebetso ya lona ya tlhokomelo le hlahlobo.
Lefapha le na le tokelo ya ho fokotsa, ho fanyeha kapa ho kgaotsa tshehetso ya tjhelete ho latela hlahlobo ya bonamo ba moo tlhokeho ya boipapiso le qaqiso tse fuperweng ke tumellano di ileng tsa e ba teng.
Dipehelano tse mabapi le ho finyeletsa tjhelete kapa thuso ha di a phethahatswa.
Ha ho sa hlokeha thuso ya tjhelete.
Merero eo ho dumellanweng ka yona ha e a fihlellwa.
Tjhelete e seng e rometswe ya tefo kapa thuso ha e fane ka boleng ba tjhelete papisong le sepheo le merero.
Moo tjhelete ya tshehetso ya tjhelete e nkuwang e fokoditswe, e fanyehilwe kapa e kgaoditswe Lefapha ho latela molao wa kakaretso le tla ipapisa le ditlhoko tsa toka ya tsamaiso.
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya sebopeho le sepheo sa mohato wa tsamaiso o lohothwang.
Ho tla fanwa ka sebaka se lekaneng ho moabi wa tshebeletso ho tshetleha lehlakore la taba tsa hae.
Ho tla fanwa ka tlhaloso e hlakileng ya mohato wa tsamaiso.
Ho tla fanwa ka tsebiso ya tokelo efe kapa efe kapa tekolo kapa boipiletso ba kahare moo ho tshwanelehileng teng.
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya tokelo ya ho kopa mabaka.
Hangata phokotso, ho fanyehwa kapa ho kgaotswa ho tla etswa ka morao hoba ho tshwarwe ditherisano ka teko ya ho thusa moabi wa tshebeletso hore a lokise boemo boo eleng pharela. Le ha ho le jwalo, maemong a itseng tlolo ya dipehelano tsena e matla haholo hoo tshehetso ya tjhelete e ka kgaotswang hang hang, hore e se hlole e ba teng kapa e ka kgaotswa nako e itseng.
Moo ho hlokehang boikamahanyo le ditlhoko mabapi le ho nehelana ka tlaleho ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng, ho kenyeleditswe le diteitmente tsa ditjhelete.
Diqabang di ka qhoma nako le nako ka dintlha tse amanang le kutlwisiso le phethahatso ya leano, ho kenyeleditswe le hlahlobo le tekanyo ya mananeo le ditshebeletso, ho hlwauwa le kabo ya mehlodi bakeng sa moabi wa tshebeletso ekasitana le phokotso, ho fanyehwa le ho kgaotswa ha thuso ya tshehetso ya tjhelete. Ho ka lebiswa boipiletso ho balaodi ba phethahatso. Tsela e ka latelwang mabapi le ntlha ena e totobaditswe ka botebo mohatong wa tataisong.
Ditherisano mabapi le ntsetsopele le phethahatso ya maano le mawa a Lefapha.
Ditherisano di tla tshwarwa ho latela moralo wa tshebetso wa thomo ya Lefapha jwalo ka ha o hlahisitswe molaong, ditemaneng tsa leano, kabong ya ditekanyetso le ditaelong tsa lewa.
Tsela tsa tshebetso ya tsamaiso tse amanang le leano di tla botjwa le ho fana ka tsona ka botebo leqepheng le ka thoko le ikgethileng. Diprovense di ka nna tsa etsa mohato wa tataiso wa phethahatso ya leano. Tsona di lokela ho balwa ha mmoho le leano ebile e le karolo ya leano lena.
Ho bonahetse hore nakong ya hona jwale mafapha a diprovense le a naha ka kakaretso a haellwa ke bokgoni ba ho phethisa le ho phethahatsa leano lena. Lefapha ka tsela ena le tla lebellwa ho bopa bokgoni bo hlokehang ba tlhophiso le bo phethahetseng maemong ana ka bobedi.
Boitlamo ba hore motho a ikarabelle mekgweng ya tshebetso ya mosebedisi, meifong ya taolo, ho baabi le institjusheneng tse ikgethang tsa mmuso bakeng sa lethathama le boleng ba ditshebeletso tse phethilweng, kabong le tshebedisong ya mehlodi ha mmoho le ho fihlella maikemisetso.
Diteitmente tsa ditjhelete tse hlahlobilweng ke mohlakisi wa ditjhelete (oditara) ya ngodisitsweng kapa akhaontente ebile e le ditokomane tse bontshang boemo ba ditjhelete ba karolo ho latela metheo e amohelehang ka kakaretso ya boikarabelo ba tjhelete.
Motho ya amohelang thuso ya tjhelete ya boiphediso kapa thuso e nngwe ya tjhelete e tswang projekeng kapa lenaneong la setjhaba.
Mokgwa wa tshebetso oo ka ona ho tadimelwang pele mabapi le tjhelete e sebetsang le ditjhelete tse ding tse tla sebediswa mabapi le ditshebeletso tsa kantle nakong e itseng, ha mmoho le mehlodi ya sebele kapa monyetla wa mehlodi e ka thetlwang ho fumana tjhelete nakong yona eo.
Moralo o nang le dintlha kaofela wa ka moo ba etsang mosebetsi ba rerileng ho fana ka ditshebeletso ka teng ho moamohedi wa ditshebeletso le hore mehlodi e tla sebediswa ka tsela e jwang.
Ha botho ba motho bo tshetjwa ke batho ba phelang le yena hore a phethise mesebetsi ya mokgatlo kapa ya institjushene.
Mekgatlo e qadilweng ke baahi ba naha e kenyeletsang e kang e sa etseng phaello, dihlopha tsa boithuso kapa boikgwantlello le matsema (dikoporasi) mekgatlo e thehilweng bodumeding le dihlopha tsa ditshebeletso, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng.
Mekgatlo e thehilweng ho kgotsofatsa ditlhoko tse ikgethang tsa setjhaba e fumanehang kahare ho setjhaba seo ba se sebeletsang.
Tsela ya tshebetso le mokgwa o reretsweng ho matlafatsa bokgoni ba setjhaba hore se kgone ho arabela ditlhokong tsa sona ka bosona le ho ntlafatsa bokgoni ba ntshetsopele, ka ho sebedisa setjhaba, dikatamelo tse thehileng matleng le mananeong a matlafatso.
Tumellano ya molao dipakeng tsa mahlakore a mabedi kapa a fetang moo ya ho etsa kapa ho phethisa mesebetsi ho ya ka moralo wa tshebetso wa molao.
Tokomane ya molao e fupereng tlhaloso ya motheo, ponelopele le maikemisetso a batsi a mokgatlo. E akaretsa mehato kaofela le boitshwaro bo hlokehang tsamaisong e nepahetseng le tsela eo mokgatlo o sebetsang ka yona. Moo eleng Diteresete le difaondeishene tse ngodisitsweng mona ho kenyeletswa le Diditi tsa Terasete (Trust Deeds) ho ya ka Molao wa Taolo ya Thepa ya Terasete wa 1988, le moo e leng Dikhampani tsa Karolo ya 21 (Section 21 Companies) tse ngodisitsweng, Memorandamo le Articles of Association?
Boikarabelo ba mafapha a mmuso a naha, a provense le a puso ya selehae ba ho fana ka ditshebeletso tse kgemang le dintlha tseo mmuso o di eteleditseng pele le ditlhoko jwalo ka ha di fuperwe ke molao wa motheo wa naha.
Ntshetsopele ya setjhaba ya lefapha la naha le la provense kapa la thekolohelo le ikarabellang hore hore le fane ka tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang. Sena se boetse se mabapi le Ofisi efe kapa efe ya lefapha e abetsweng mosebetsi o jwalo lebatoweng, seterekeng kapa sebakeng sa selehae, moo ofisi tsena di fumanehang teng.
E thehilwe hodima tshireletso ya setjhaba, matlafatso e phethahetseng ya bokgoni ba botho le kgothaletso ya boikgwantlello le ho kenya letsoho ha ho etswa diqeto. Thekolohelo ya ntshetsopele ya setjhaba e thehile maikutlo ka ho ikgetha ho disosa le tshusumetso tsa ho pepeseha ha setjhaba le ho behwa ka mosing ha sona, le ho fana ka tshebeletso tse kopantsweng tsa setjhaba, tsa malapeng le bathong ba anngweng ke maemo ana.
Kabo ya matlole molemong wa tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Sehlahiswa sa Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha ke tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha papisong le dinaha tse ding.
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Mekgatlo e metjha e qalang ho kena tshebetsong ya ntshetsopele le kapa esoka e ba le bokgoni bo lekaneng ha mmoho le disebediswa ekasitana le mehlodi eo eleng ya yona hore e kgone ho dula e le teng.
Karolelano ya mehlodi dipakeng tsa dihlopha tse pedi kapa ho feta moo, ka mokgwa wa ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng di kgotsofatswa ntle le leeme ka sepheo sa ho fihlella tlhoko tsa bohle.
Hlahlobo e latelang mehato hantle ebile e ikemetse ya morero wa projeke hore ho tsepamiswe hantle tlhopiso e phethahetseng, katleho, tshusumetso le matla a ho itjara nako e telele (ho latela boikemisetso bo lokelang).
Di kenyeletsa memorandamo le articles of association tsa khampani, Diti ya teresete, le molao wa motheo wa moabi wa tshebeletso ya lokelang kapa mokgatlo wa baithaopi kapa mekgatlo ya naha?
Tjhelete e lefuwang ka kgwedi e tswang matloleng a ditjhelete tsa setjhaba ho hlokomela motho kapa baotlwa ba ba loketseng ho latela molao.
Tlhompho ya botho le bolokolohi ba mantlha jwalo ka ha sena se lokodisitswe Molaong wa Motheo wa Afrika Borwa wa.
Mokgatlo kapa karolo e nang le molao wa motheo kapa ditokomane tsa motheo ebile di ngodisitswe le institjushene e ikgethang.
Pitso ya kopano dipakeng tsa boradipolotiki kapa Dihlooho tsa mebuso le setjhaba ka sepheo sa ho fapanyetsana maikutlo le ho tshohla dintlha tse amang setjhaba ha mmoho le naha.
Diphetoho tse nepahetseng le tse sa nepahalang tse hlahiswang ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang, ka morero wa projeke kapa lenaneo.
Katamelo e makala a mangata eseng e sebetsang ka makala a le mang ho etsa mosebetsi.
Mafapha a fapaneng, mekgatlo, le dikgwebo tse sebetsang ha mmoho ho nyehela tshebeletsong e phethahetseng e reretsweng ho rarolla ditlhoko tsa ba lokelwang ke ho amohela kapa ho fola melemo.
Ho na le mekgatlo eo eseng ya mmuso e fanang ka tshebeletso e molemong wa setjhaba haholo.
Mekgatlo e ikemetseng, meifo, diterasete, dikhampani kapa mekgatlo ya batho ba sebetsang boemong ba naha, ba diprovense le kapa ba selehae ho fana ka tshebeletso tsa thekolohelo ntle le ho fumana phaello, empa molemong wa sepheo sa setjhaba. Tjhelete e kenang le maruo e keke ya fuwa ditho tsa mokgatlo wa mofuta ona kapa batho ba leng ditulong ntle le ditlhapiso tse utlwahalang bakeng sa ditshebeletso tse entsweng. Karolo tsena di ngodiswa kapa di keke tsa ngodiswa ho latela Molao wa Mekgatlo e sa etseng phaello (Molao wa nomoro ya 71 wa selemo sa 1997), Molao wa Naha wa Thekolohelo, (Molao wa Nomoro ya 100 wa 1978) kapa molao ofe kapa ofe wa thekolohelo o laolang mofuta ona wa tshebeletso.
Moifo o kgethilweng ka moo ho tshwanetseng ka teng ho emela batho ba unang molemo jwalo ka karolo ya molao.
Sehlopha sa batho ba kgethilweng kapa ba menngweng ka boithaopo ho etella pele le ho tataisa ekasitana le ho laola ditaba jwalo ka baetapele ba molao ba Mokgatlo o sa etseng phaello (NPOs). Ditho di tla kenyeletsa batho ba nang le mahlale le ditsebo tse fapafapaneng tse hlokwang ke mokgatlo.
Tlhokomelo kapa bodisa bo tswellang kapa ba dinakong tse itseng ba phethahatso ya morero wa projeke ho netefatsa hore tsohle tse etswang, mesebetsi le mabaka a kantle, di tswella pele ho latela moralo.
Kgutsufatso ena e bolela (Medium Term Expenditure Framework), Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Bohareng eleng ntho e hlokang mmuso hore o etse moralo wa ditjhelete wa nako ya dilemo tse tharo.
Boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso, mekgatlo ya setjhaba le lehlakore la kgwebo, ba ho phetha ditshebeletso.
Nako ya ka morao hoba kgethollo ya apartheid e fediswe mme ho thehwe puso e ntjha moo metheo ya puso ka setjhaba kapa demokerasi e ileng ya fetoha karolo ya puso e ntjha jwalo ka ha ntlha ena e fuperwe ke molao wa motheo wa naha ena?
Malapa, batho le kapa dihlopha tse phelang ka tlase ho moedi wa bofutsana, le batho ba fumanehileng ho feta ba hlokang mehlodi ya ho kgotsofatsa diphepetso le ditlhoko tsa mantlha tsa bophelo.
Dinyehelo tse fumanweng ho batho kapa dikarolo kapa mekgatlo e sebetsang ka boikemelo e sa itshetleha mmmusong.
Sehlopha sa merero ya diprojeke tse amanang kapa ditshebeletso tse tobisitsweng hore ho fihlelwe maikemisetso (ka tlwaelo a tshwanang kapa a amanang) a qoholehileng.
Morero o hlophisitsweng o etseditsweng ho fihlela maikemisetso a itseng a ikgethang nakong ditekanyetso tse itseng le nakong e tsepamisitsweng.
Nyehelo e amohetsweng setjhabeng ka kakaretso.
Tjhelete e kenang e bokeletswe ke mekgatlo e fapaneng ka bonngwe ba yona.
Batho, mekgatlo le dibopeho tse fanang ka tshebeletso ya thekolohelo boemong ba naha, ba provense le ba selehae, dihlopheng le bathong ka morero wa ho ntlafatsa boiphediso ba bona. Baabi ba ditshebeletso ba ka kenyeletsa: matitjhere, basebeletsi ba thekolohelo, basebetsi ba tlhokomelo ya bana le batjha, baoki, maponesa, jwalo jwalo.
Lehlakore le nang le moifo wa basebetsi bao sepheo sa bona sa sehlooho eleng ho fana ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e sekametseng ntshetsopeleng ya setjhaba.
Ho senyeha kapa ho fokola ha dikamano tsa botho setjhabeng eleng ntho e etsang hore ba hlolehe ho phela ka mokgwa o amohelehang.
Di tsepamisa maikutlo lethathameng le pharaletseng le le batsi ho feta la ditshebeletso tse amanang le thekolohelo ya setjhaba le ntshetsopele tseo ho fanwang ka tsona ka tsela e fapaneng ho netefatsa hore ho na le mekutu ya tharollo e kopanetsweng le e tla tshwarella ho ya ho ile.
Thuso ya ditjhelete eo mmuso o fanang ka yona e le tjhelete e tlatseletsang tjheleteng ya Mekgatlo e sa etseng Phaello (di-NPO) ka morero wa ho reka ditshebeletso tsa bona.
Bonamo ba ka moo institjushene e kgonang ho tswela pele ka boyona ho tsitlallela ho emela boikemisetso ba yona ka morao hoba thuso e hlohlwang morerong ona e fele.
Sehlopha se qoholotsweng se tla fola molemo morerong wa projeke e etswang kapa lenaneong le hlophisitsweng.
Motho ya lohothwang ya tla fepela diphahlo kapa a fane ka tshebeletso e itseng.
Ketso ya molao ya ho itlhahisetsa monyetla wa ho nehelana ka tshebeletso kapa ho etsa mosebetsi o itseng.
Katamelo eo ka ho ikgetha e kopanyang boikemisetso ba moruo le ba phedisano. Ha e amohele feela bohlokwa ba ntshetsopele ya moruo le ya setjhaba ho ka phahamisa maemo a bophelo, empa le yona ka boyona e batla ho ntlafatsa ntshetsopele ya moruo ka sepheo sa phedisano.
Tjhelete e abetsweng ho tshehetsa ka ditjhelete meifo ya naha hore e etse mosebetsi o itseng lebitsong la lefapha.
Mosebetsi wa ho fetola sebopeho sa ditlhophiso le mokgwa oo tshebeletso e phethiswang ka teng e le ho ipapisa le thomo tsa molao le tsa leano tse amanang le tshehetsa baabi ba ditshebeletso ka tjhelete.
Motho ya sebeletsang setjhaba mme tshebeletso ya hae ya mananeo a tsamaiso kapa a ho bokella ditjhelete tsa matlole e sa lefellwe letho. Le ha ho le jwalo, ntlheng tse itseng, ho na le hore moithaopi a fuwe tjhelete ya ditshenyehelo tsa hae ke Mokgatlo o sa etseng Phaello kapa Mokgatlo oo eseng wa mmuso, mme ka dinako tse ding hona ho etswa feela e le tefo e fuwang baithaopi ya sesupo sa kananelo ya seabo sa boithaopo.
Batho ba kojwana di mahetleng ba pepesehileng hore ba ka thulana le mathata a bophelo ka lebaka la maemo a bona.
Mekgatlo e nang le bokgoni le mehlodi e anetseng ya ho hlokomela le ho tshehetsa batho ba itshetlehileng thusong ya tshehetso ya bona.
<fn>sot_Article_National Language Services_KETAPELE 2 (2004).txt</fn>
Dilemong tse leshome tsa ho qala tsa puso ya rona ya demokerasi, re ile ra kenya matla ohle a rona le ho etsa mekutu ya ho sutha mokgweng wa thekolohelo ho leba ntshetsopeleng ya setjhaba ha tshekamelo ya leano le phethahatso di fetoha, moo re ileng ra hlahisa maano le meralo ya melao e ileng ya betla tsela ya ho ntlkafatsa phumantsho ya ditshebeletso mafutsaneng le bao ba sa sireletsehang bao thekolohelo ya bona e leng mahetleng a rona.
Lefapha dilemong tse leshome tse fetileng esale le tsepamisitse maikutlo haholo tshireletsong ya setjhaba, mme le beheletse ka thoko taba ya ho tadima ditshebeletso tse ding tsa setjhaba. Tekanyetso ya tshireletso ya setjhaba e ile ya siya mehlodi e sa lekanang ya thuso bakeng sa ditshebeletso tse ding, ra lahlehelwa ke bokgoni ba diprofeshenale tse ngata tsa bohlokwa, mme le mekgatlo ya setjhaba ya se kgone ho fana ka ditshebeletso. Hona ho biole le sephetho se seng setle phumantshong ya ditshebeletso.
Bakeng sa ho rarolla ditaba tsena Lefapha la Naha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la simolla ka tshebetso ya ho etsa Leano le amanang le Tshehetso ya Ditjhelete bakeng sa Baabi ba Ditshebeletso (Policy on Financial Awards - PFA). Dinnete tse teng hona jwale naheng ena di qobella mmuso hore o boele o lekole mokgwa wa ona wa tshebediso ya mehlodi ho netefatsa taba ya kabo e anelang batho ba neng ba ntse ba tinngwe menyetla nakong e fetileng.
Leano la Tshehetso ya Ditjhelete (PFA) ke se seng sa disebediswa tsa bohlokwa haholo tse tla etsa bonnete ba hore ho ba le phumantsho ya ditshebeletso le hothusa diphetohong tsa ditshebeletso ka ho thusa baabi ba ditshebeletso ka ditjhelete. Mmuso, ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba o lokela ho phethahatsa dintho ho latela thomo ena mme o a tseba hore o ke ke wa kgona ho fihlela maikemisetso ana ka boona o le mong. Ka hoo, Lefapha le entse maiteko a ho netefatsa hore ho ba le tshebedisano e kgolo, le selekane le mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO), mekgatlo ya bodumedi (di-FBO), mekgatlo e theilweng hara baahi (di-CBO), dikhampani tse ka tlasa mmuso (di-parastatal) le mokga wa kgwebo.
Bakeng sa ho phethahatsa leano, ho ile ha hlahiswa mehlala ya ditjeo bakeng sa ho rarolla ditaba tse batsi tsa mawa a ho le kenya tshebetsong. Hore baabi ba ditshebeletso ba sebetse ba lokelwa ho thusa ka ditjhelete ka mokgwa o lekaneng, mme ho hlokeha le maemo a amohelehileng a thuso ya ditjhelete diprovenseng tsohle. Ka hoo Lenaneo la Mehlala ya Ditjeo la Ditshebeletso tsa Setjhaba le tla tiisetsa hore ho ba le maemo a amohelehileng a tshwanang mmoho le tekatekano kabong ya mehlodi ya thuso. Ditshisinyo tse mabapi le lenaneo la thsuo ya ditjhelete le hlalositsweng ho PFA le tla etsa bonnete ba hore mehlodi ya thuso e lebiswa baahing le mekgatlong e futsanehileng haholo, le hore mmuso o fana ka ditshebeletso tseo kgonehang.
Lefapha le hlahisitse mme la ba la amohela Ditataiso tsa Mokgwatshebetso mmoho le disebediswa tsa tsamaiso, tse lokelwang ho balwa mmoho le Leano la Tshehetso ya Ditjhelete ho Baabi ba Ditshebeletso.
Jwalo ka mmuso, re ke ke ra lebala mekutu le makgobonthithi a entsweng ke setjhaba ntlheng ena ya ho fana ka ditshebeletso. Re bone diprojeke tse jwalo ka Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le Lenaneo la Thuso Bofumeng di kopanya setjhaba le mmuso phumantshong ya ditshebeletso. Ke ka moya ona wa tshebedisano re kgothaletsang batho ho ba le seabo sa ho bopa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle. Tshebeletso le kabelo tse entsweng ke baithaopi, baabi ba ditshebeletso ba poraefete le mekga ya setjhaba e lokelwa ho tlotlwa.
Re motlotlo ho bolela hore ke ka ho sebetsa re le sehlopha re kgonneng ho bea motheo wa ho matlafatsa ntshetsopele ya setjhaba mme re tla sebetesana ka katleho le diphepetso tse ngata tseo re tobaneng le tsona ho ba le kabelo e bonahalang dimiliyoneng tsa batho ba Afrika Borwa ba futsanehileng bao ba hlokang ditshebeletso tsa rona ka mahlo a mafubedu.
Tshebetso ya ho ntshetsa pele Leano la Tshehetso ya Ditjhelete e simolotse ka selemo sa 1996, empa ya behwa molatsa ka selemo sa 2000. Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la theha Komiti ya Letona ho fuputsa dingongoreho tse teng ka leano le ho etsa dikgothaletso Lekgotleng la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC). Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC) le ile la etsa qeto a hore Leano la ho fana ka Ditjhelete le ke le boele le lekolwe hape. Moifo wa tshebetso o ile wa lekola Leano la ho fana ka thuso ya Ditjhelete mme qetellong la bopa Leano la ho Thusa ka Ditjhelete le ileng la ananelwa ka 2004 ka morao ho ba le tekwe ka pele ho Dihlooho tsa Ditshebeletso tsa Thekolohelo ya Setjhaba (HSWS), Komiti ya Phethahatso (EXCO) le Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC).
Lefapha le boetse le lakatsa ho ananela batho le diinstitjhushene ba ileng ba kenya letsoho ntshetsopeleng ya leano lena, mafapha boemong ba provense, mekgatlo ya setjhaba, le setjhaba ka lebaka la maikutlo a bona le nyehelo tsa bona. Selekane sa lefapha le mekgatlo ya setjhaba se dula e le karolo ya bohlokwa mekutung ya ho tshehetsa tshebetso e matla le phethahatso ya thomo ya rona.
Mmuso kajeno o ntse o tjamelane le diphepetso tsa ho sebeletsa batho ba futsanehileng ka ho fetisisa le ba hlokang thuso haholo setjhabeng. Ka nako e fetileng ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e ne e le boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba, moo mmuso o neng o fana ka tshehetso ya ditjhelete mekgatlong ka mokgwa wa thuso ya tlatsetso. Maemo a nnete a hona jwale a naha a hloka hore mmuso o boele o lekole mokgwa oo o sebedisang mehlodi ya ona ka teng ho netefatsa hore thuso ena e anela ka tekano batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
Nakong e fetileng ho lekilwe ho ntshetsa pele leano la dithuso tsa ditjhelete tse fuwang Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO). Le ha ho le jwalo, leano lena ha le a ka la kgotsofatsa ditlhoko tsa mmuso le lehlakore la Mekgatlo ena e sa etseng phaello (NPO). Jwale ho na le tlhokeho e potlakileng ya hore ho ntshetswe pele leano lena le tla netefatsa hore Mmuso o kgona ho phethahatsa tshepisong ya ona ya bophelo bo ntlafetseng ba batho bohle.
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete le reretswe ho tataisa naha tabeng ya ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso lehlakoreng lena la ntshetsopele ya setjhaba, ho tlisa phetoho le ho lokisa motjha wa ditshebeletso le mehlodi, e le ho netefatsa hore ditshebeletso tsa batho ba kojwana di mahetleng le ba hlokang thuso setjhabeng di sebetsa hantle le ka bokgabane.
Leano lena le tsitlallela ho tlisa katleho ya boikemisetso ba Lefapha, ka ho etsa hore batho ba futsanehileng, ba kojwana di mahetleng le ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing setjhabeng sa Afrika Borwa ba kgone ho iphumanela bophelo bo ntlafetseng, ka ho etsa selekane le bona ekasitana le ho boela ba etsa selekane le bao ba itlammeng ho theha setjhaba se tsotellang?
Leano le moralo wa tshebetso wa molao naheng ena le thehile boemo bo dumellang Lefapha ho finyella maikemisetso a lona, haholo mabapi le kabo e anetseng ya mehlodi. Ho ananelwa le seabo sa bohlokwa seo esale e le sa lehlakore la Mokgatlo o sa etseng phaello (NPO) ntlheng ya ho fana ka tshebeletso. Mekgatlo e meng e sa etseng phaello (di-NPO) e tlisitse le diphetoho tse kgolo tse nyallanang le boemo ba nnete ba naha nakong ya hona jwale. Le ha ho le jwalo, mmuso o na le phepetso e kgolo ya diphetoho tse lokelang ho ba teng.
Leano ka tsela e jwalo le reretswe ho tlisa katleho ya dintlha tse beheletsweng ka sehloohong tsa Lefapha ka mokgwa wa tshebeletso e etsetswang bafumanehi le dihlopha tse kojwana di mahetleng le bao ba nang le ditlhloko tse ikgethang ba kang bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba ileng ba futswa ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi, le ba nang le tshwaetso ya HIV le AIDS ha mmoho le ba anngweng ke tsona.
Lefapha hore le tle le fihlelle sena le ho phethahatsa taelo ya lona ho latela molao wa motheo, le hloka ho tsepamisa hore le ikemiseditse ho finyella sepheo sefe, le hore sepheo sena se tla fihlellwa jwang ekasitana le ho lekanya boiphihlelo ba lenaneo lena le sepheo se behilweng. Leano le totobatsa diphepetso le mekolokotwane ya diphetoho, eleng yona e tla susumetsa hore ditshebeletso di etswa ka mokgwa o jwang, hokae le hore di etswa ke mang ya tla tshehetswa ke mmuso. Le hlalosa boikgethelo ba ditjhelete, mefuta ya ditjhelete, ditlhoko tsa ho tsepamisa tshwaneleho, le mekgwa ya tefo ha mmoho le ditlhoko tsa thuso ya ditjhelete.
Jwalo ka ha ho etsahala hohle lefatsheng, ba fanang ka dinyehelo ba tswang setjhabeng le batho ba praevete ba tseka hore ho be le boikarabelo mananeong ana ao ba a tshehetsang ka ditjhelete, le mehato ya tshebetso e ntle e a hlokeha. Lefapha ka lebaka lena le tla tlabola dilekane tsa tumellano le baabi ba ditshebeletso ho netefatsa hore le fumana sephetho se lebeletsweng ka ditshebeletso tsena, le hore ho na le kgotsofalo ya mosebeletsuwa le hore ho na le boleng ba tjhelete. Ditumellano tsena di boetse di hlalosa botjha sebopeho sa dikamano tse teng dipakeng tsa mmuso le baabi ba ditsheletso. Leano le sebopehong sa ntshetsopele mme motheo wa tumellano ke tshebedisano ho feta ho tlisa kgohlano, e le hore ho tle ho etswe dikamano tsa nako e telele tse tla ntlafatswa ka kaho ya institjhushene le tshehetso, haholo ho baabi bao eleng hona ba thuthuhang ba tswang tjhabeng tse neng di behilwe ka mosing nakong e fetileng.
Nako e ileng ya hlahlama selemo sa 1994 e tlisitse diphetoho tse kgolo mona Afrika Borwa. Diphetoho tsena di ile tsa ba le tshusumetso dikarolong tsohle tsa bophelo ba batho ba naheng ena, ha mmoho le institjhusheneng tsa teng. Diphetoho tse bonahetseng ho feta ebile tse neng di reretswe ho ntlafafatsa ditshebeletso le ho etsa hore di kgone ho fihlilleha le ho arabela ditlhoko tsa palo e kgolo ya setjhaba.
Tshebetso ena ya ho tlisa diphetoho e sa ntsane e tswela pele mme e fupere diqholotso tse ngata bathong bohle ba amehang, haholo ba fanang ka ditshebeletso. Mmuso o fuwe taelo ya ho etsa bonnete ba hore setjhaba se sebeletswa ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa, ho ntse ho habilwe hore ho fediswe bofuma mme bohle ba etswe hore ba phele hantle ho feta.
Pampiri e Tshweu (Tokomane ya Ditherisano) ya Thekolohelo ya Setjhaba ya e tlama Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho fetola ditshebeletso tsa setjhaba ka ho latela katamelo ya ntshetsopele e toboketsang tshebedisano dipakeng tsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo. Phetoho e jwalo e lokela hore hara tse ding, e rarolle bothata ba tlhokeho ya tekano dipakeng tsa ditjhaba, boemo setjhabeng, tabeng ya hore motho ke monna kapa ke mosadi (bong) le dibakeng tse sa lekaneng.
Thekolohelo ya Setjhaba e tswelang pele e thehile maikutlo tshebedisong e phethahetseng ya bokgoni ba batho le ho kgotheletsa boikemelo ha mmoho le ho ba le kabelo ha ho etswa diqeto. Ntho ena e toboketsa le ditshebeletso tse sekametseng mohopolong wa lelapa, tse thehilweng kahara setjhaba le ho kopanngwa teng (Matjhaba a Kopaneng: 1987). Katamelo ya ntshetsopele ha e nke sebaka kapa hona ho kgetholla mokgwa ofe kapa ofe o itseng wa tshebetso, empa e toboketsa hore sephetho se tlameha ho ntshetsa pele toka phedisanong le moruong wa setjhaba.
Ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba nakong e fetileng ho la Afrika Borwa di ne di etswa ke Mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mmuso o ananela hore mekgatlo e mengata e na le mahlale a tsebo, botsebi, motheo wa matlha le mehlodi e meng, eleng dintho tse ka nyehelang kahong e etswang botjha, ntshetsopeleng le tabeng ya ho fana ka ditshebeletso. Mekgatlo e mengata e fumane tshehetso ya ditjhelete ka tsela ya thuso ya ditjhelete. Mekgatlo e meng ho ena e ile ya hatela pele haholo ka ho tjhorisa hape ditshebeletso tsa yona hore di tsamaelane le maano a mmuso le dintho tseo mmuso o di eteleditseng pele mererong ya ona. Le ha ho le jwalo, ka bomadimabe sena ha se tshekamelo e ileng ya akaretsa mme sekgahla sa diphetoho se lokela ho potlakiswa.
Ntho ena e etswa ke tlhokeho ya ho arabela mabaka a kang bofuma, tlhokeho ya mesebetsi, le sewa sa HIV le AIDS, eleng dintho tse nang le tshusumetso e matla haholo bathong. Ho feta mona, tshebeletso ya setjhaba e hloka hore e tjhoriswe e tle kgona ho toba dibakeng tse nang le tlhoko e kgolo le tse eteleditsweng pele ho feta, tse kang tsa batho ba metseng eo eseng ya diteropo le tsa batho ba ileng ba tingwa menyetla ba amehileng haholo. Mekgatlo e thehilweng kahare ho setjhaba le mekgatlo eo eleng hona e hlahelang, eo ka dinako tse ding eleng bodulong bo botle ebile e na le monyetla o motle wa ho fana ka tshebeletso bathong ba futsanehileng le ba tinngweng menyetla, haholo batho ba metseng eo eseng ya diteropo, e ntse e tehetswe ka thoko haholo ditjheleteng kapa ha e fumane ditjhelete tse lekaneng.
Mmuso dilemong tse fetileng o ile wa tsetela haholo lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, mme ntho ena e ile ya qobella hore ho tliswe diphetoho. Le ha ho le jwalo, taba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong ha eso kgone ho kgotsofatsa tlhokeho ya diphetoho. Mekgwa ya diphetoho hore e tle e kgone ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho hantle, e lokela ho kgweletswa (tiiswa) haholo. Ho feta mona, baabi ba ditshebeletso ba ntseng ba tehetswe ka thoko haholo ba tlameha ho atametswa lebaleng la mmuso la thuso ya dtjhelete.
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete tsa baabi ba ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba le tobisitswe haholo netefatsong ya hore mmuso, ha mmoho le lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, eksitana le mekgatlo e tswang lehlakoreng la praevete, moo ho lokelang, o fihlele boikemisetso ba Lefapha ba ho thusa bafutsana, ba kojwana di mahetleng le ba qheletsweng ka thoko setjhabeng sa Afrika Borwa ho iphumanela bophelo bo natlafetseng ho feta, ka ho sebedisana le bona ha mmoho le bohle ba ikarabela kahong ya setjhaba se tsotellang (Moralo wa Lewa wa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba: wa 2003/4 le 2005/6)?
Leano lena le reretswe ho etsa monyetla wa ho fihlella mekolokotwane ya lewa eo Mmuso o e beheletseng ka pele ka ditshebeletso tse kopanyeleditsweng le tsa sebopeho sa ntshetsopele, le ho etsa bonnete ba tlhokomelo ya dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng, ha mmoho le bao ba nang le ditlhoko tse ikgethang, ba jwalo ka bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba anngweng ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi le ba nang le tshwaetso ekasitana le ba anngweng ke HIV le AIDS.
Batho ba nyehelang ditjhelete hohle lefatsheng, ba tswang setjhabeng le ba praevete ba eketsa ho batla hore ho be le boikarabelo mananeong a tshehetswang ka ditjhelete, ho kenyeletswa le mehato ya tsamaiso e ntle. Ntho ena e qobella mmuso ho hlahloba ditshenyehelo le melemo ya mesebetsi ya yona le ho hlalosetsa setjhaba ka kakaretso, haholoholo balefi ba lekgetho ba lokela ho tseba hore mmuso e sebedisa tjhelete jwang le hore mehlodi ya ditjhelete e ajwa jwang molemong wa setjhaba. Ka hoo leano le reretswe ho netefatsa hore ho na le boleng ba tjhelete le hore merero ya mmuso e ka sehloohong e a phethahatswa. Ka lebaka lena ho hlokeha boikarabelo mmusong le mekgatlong eo eseng ya mmuso e fuweng thuso ya tjhelete.
Leano la thuso ya tjhelete ka hoo le reretswe ho tataisa naha le ho thusa ka tjhelete ba fanang ka ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, ho thusa ho tlisa diphetoho le ho tjhorisa ditshebeletso le mehlodi, ho netefatsa hore batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng setjhabeng ba sebeletswa hantle le ka tsela e babatsehang.
Leano le namme ebile le etsa monyetla wa hore mmuso wa naha le mebuso ya diprovense e kgone ho ntshetsa pele tataiso tsa mohato ho latela ditlhoko tse ikgethang le mehlodi e leng teng.
Theha kamano ya thuso ya ditjhelete dipakeng tsa Mmuso le baabi ba ditshebeletso ba nehelanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Tsepamisa ditlhoko le mekgwa ya ho fana ka dithuso tsa tjhelete tse lebang ho baabi ba ditshebeletso ba fanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Fana ka sesebediswa se tla thusa ka ho tlisa diphetoho tshebeletsong ya thekelohelo ya setjhaba.
Theha sesiu sa bokgoni ba mekgatlo eo eleng hona e hlahellang le e neng e ntse e tehetswe ka thoko nakong e fetileng e hlokang mehlodi empa e utlwisisa ebile e ka kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba.
Theha tikoloho e dumellang baabi ba batjha ba ditshebeletso ba neng ba ntse ba tehetswe ka thoko nakong e fetileng hore ba fumane monyetla wa thuso ya ditjhelete e tswang mmusong.
Etsa motheo wa ho hasanya mehlodi ka mokgwa o tla batla o anela ho feta.
Ho fihlelleha: Ho fihlelleha ho latela maemo a sebaka le a jeografi, nako, puo le tlhokeho.
Boikarabelo: Boinyalanyo le melao kaofela, leano le melawana ya ditjhelete.
Bokgoni: Ha ho motho ya loketseng hore a qhelelwa ka thoko ka lebaka la ho hloka bokgoni ba ho lefella tshebeletso mme moo ho nang le ditefello tse batlwang, tlhatlhobo ya bokgoni e lokela ho sebediswa.
Ho tshwaneleha: Karabelo maemong a phedisano, a moruo, a botjhaba le a kwano ha mmoho le maemo a dipolotiki.
Tshebetso e ntle le e atlehileng: Ho fihlellwa ha maikemisetso ka mokgwa o nang le kolopetso ho feta.
Matlafatso: Ho ntlafatsa bokgoni ba mekgatlo e sa ntsaneng e thuthuha hore e tswele pele e le hore e kgone ho kgotsofatsa maemo a tsepamisitsweng leanong.
Tekano: Ho qhalanya mehlodi ho latela tlhokeho, bohlokwa le leeme la nakong e fetileng.
Seabo: Kameho e sebetsang ya batsamaisi, ba sebeletswang, moifo wa basebetsi, baamehi le baemedi ba setjhaba lenaneong la tlhophiso le moralong wa leano.
Selekane: Boikarabelo bo kopanetsweng mmoho le mmuso, mekgatlo ya setjhaba le ya kgwebo molemong wa ho fana ka ditshebeletso.
Ho kenyeletsa setjhaba: Maano le mananeo a ntshetsang pele toka setjhabeng.
Ho sebeletsa pepeneneng: Ho kgona ho fumana lesedi, tsamaiso e seng sephiring ekasitana le mekgwatshebetso ya taolo.
Palo ya setjhaba sa Afrika Borwa e eketsehile ho tloha bathong ba dimilione tse 40,5 selemong sa 1996 ho fihlela ho ba dimilione tse 44,8 selemong sa 2001, eleng palo e supang kgolo ya 10%. (Dipalopalo tsa Afrika Borwa di phatlaladitse dikakanyo tsa mahareng a selemo ka 2003, tse akanyetsang palo ya setjhaba ho dimilione tse 46,3.) Palong eo kaofela ya setjhaba, dimilione tse 23 ke basadi ha dimilione tse 21 e le banna. Ho latela dipalopalo ho hlakile hore palo ya basadi diprovenseng kaofela ke yona e phahameng ho feta, ntle le Gauteng, e nang le palo e hodimo ho feta ya banna. Palo ya batho ho latela merabe e fapaneng ke Ma-Afrika a etsang 79%, Makgowa a etsang 9,6%, Makhalate a etsang 8,9% le Ma-Eshiya kapa Ma-India a etsang 2,5%. Dilemo tsa kgolo ya Ma-Afrika Borwa di bontsha hore naha e na le batho ba batjha ba bangata ho feta (ekasitana le ha ho ntse ho entswe siuwe monyetla o monyenyane wa phoso e ka bang teng jwalo ka ha ho bontshitswe tlalehong ya palo ya setjhaba: Dipalopalo ka bokgutshwanyane, 2003).
Afrika Borwa e balellwa dinaheng tse nang le palo e hodimo haholo ya batho ba nang le tshwaetso ya HIV le ba shwang ka lebaka la mafu a amanang le AIDS. Ka selemo sa 1990, 0,7% ya basadi ba ileng ba hlahlobuwa ditliniking tsa tlhokomelo ya baimana e ne e na le tshwaetso ya HIV; mme ka selemo sa 2002 ke ha palo ena e eketsehile ho fihlela ho 26,5%. Batho ba amehang haholo ke sehlopha se dilemong tsa ho kgona ho beleha eleng dipakeng tsa 15 le 49. Sehlopha sena se emetse batho ba nang le bokgoni ba ho sebetsa setjhabeng sena.
Palo ya baahi ba Afrika Borwa ba nang le HIV le AIDS e bontsha hore sekgahla sa tshwaetso se hodimo ho feta basading, mme ntho e ka etsang halofo ya batho ba nang le tshwaetso hona jwale ke basadi. Ho na le mabaka a fapafapaneng a bakang boemo bona ba ditaba. Le leng la mabaka tabeng ena ke matla a sa lekaneng a tekano dipakeng tsa banna le basadi.
Bana ba belehwang ba e na le tshwaetso ya HIV, kapa ba lahlehetsweng ke motswadi kapa batswadi ka bobedi ka lebaka la HIV le AIDS, ke ba pepesehileng ho feta le ba nang le monyetla wa ho ba le tshwaetso setjhabeng kaofela. Hangata ke bona ba nang le bothata ho feta ba ho kula, bothata ba tlhekefetso le ba ho sebedisetswa thobalano ho feta bana bao e leng dikgutsana ka mabaka a mang.
Dipatlisiso tsa Moifo wa Basebetsi (Loetse: 2001) di bontsha hore palo ya tlhokeho ya mosebetsi naheng ena ke 41,6%, ka palo e hodimo haholo ya tlhokeho ya mosebetsi hara Ma-Afrika e etsang 50,2% le ya Makhalate a etsang 27%.
Ho latela Dipalopalo tsa Afrika Borwa, ka selemo sa 1995 malapa a ka etsang 28% le palo e etsang 48% ya setjhaba ba ne ba phela ka boemo ba bofutsana bo ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bophelo ba bofuma palo ena e fihletswe ka motheo wa tshebediso ya tjhelete, ka hoo ho beheletswe ka thoko ntlha ya ho fihlella ditshebeletso le maruo. Ka selemo sa 1999, malapa a etsang dimilione tse 3,7, dimilione tse 11,4 tsa malapa a jwalo di ne di phela ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bofuma. Malapeng ana, boholo ke ba Ma-Afrika. Bofuma ke phepetso e le nngwe e kgolohadi e tjametseng Afrika Borwa matsatsing a kajeno. Bo tsamaya mmoho le maemo a feteletseng a tlhokeho ya tekano maemong a bophelo le monyetla wa ho fihlella mehlodi ka lehlakoreng le leng, le malapa le setjhaba a iphumanang a pepesehile mme a le kojwana di mahetleng ka lehlakoreng le leng?
Ho ya ka bafuputsi ba bangata tlhokeho ena ya tekano e hlaloswa ho latela bong, dilemo, le botjhaba le tulo. Ke basadi le malapa a hlokometsweng ke basadi, batjha, maqheku, Ma-Afrika le batho ba phelang metseng eo eseng ya diteropo ba iphumang ba le ditleneng tsa bofuma ka ho fetisisa. Mmuso oo eseng wa kgethollo o bontsha ngongoreho ya ona e kgolo ya kananelo ya bofuma ka ho tlisa diphetoho ditekanyetsong tsa ditjhelete ka ho phallela setjhaba ka mananeo a thuso a tlhabollo ya bofuma le mananeo a tobisitsweng basading.
Mmuso wa Afrika Borwa o ananela diphapano tse teng tsa phedisano, tsa bodumedi le tsa botjhaba malapeng ha mmoho le tshusumetso ya phetoho phedisanong ya semelo le sebopehong sa setjhaba. Mehleng ya kajeno malapa a tjamelane le diphepetso tse ntjha le tlhokeho ya boiteko ba bona ba ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho ba lelapa. Malapa a mangata ho la Afrika Borwa, haholo a tswang setjhabeng sa Ma-Afrika, a amehile ha bohloko mme malapa ha kgone tswela pele ho sebetsa ka tsela e tlwaelehileng ha bofutsana bo e ja setsi, le ho ba le maikutlo a sithabetseng a ho hloka matla le a pherekano.
Ho swahlamana ha setjhaba ho totobetse boemong bo phahamang ba malapa a qhalehang, dikgoka tsa ka malapeng, mathata a boemo ba kelelllo, ditlolo tsa molao, tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi tse seng molaong le meriana e molaong, tshebediso ya thobalano ka tsela ya ho etsa kgwebo, tlhokeho ya bodulo, le bana ba phelang le ho sebetsa mebileng.
Ho latela Tshebetso ya ho Balwa ha Batho ya 2001, ho na le batho ba qhwadileng ba 2 255 982 mona Afrika Borwa. Bothata bo boholo ba ho qhwala ke ba bofufo le kgolofalo ya mmele. Provense e nang le batho ba bangata haholo ba qhwadileng ke KwaZulu-Natal, ka palo e etsang (470 588), e latelwe ke Kapa Botjhabela ka (372 265) le Gauteng, ka batho ba 331 611 ba nang le kgolofalo tse ding tse itseng. Provense e nang le palo e tlase ya batho ba qhwadileng ke Kapa Leboya.
Boemo bona bo ka hodimo bo fana ka kakaretso e ka mmoho ya boemo ba phedisano le moruo naheng ena. Mmuso o hatetse pele haholo ka ho rarolla mathata ana, jwalo ka ha ho bontshitswe tekodisiksong ya dilemo tse leshome ya phethahatso ya mananeo a mmuso. Diphepetso le ha ho le jwalo ha di jese ditheohelang le letho feela, haholo ho latela ditshebeletso tseo Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba di fanang ka tsona hohle naheng ena. Ditshebeletso tsena di mathuleng a ho finyella batho ba futsanehileng, ba behilweng ka mosing le ba kojwana di mahetleng setjhabeng.
Diphepetso le merero e eteleditsweng pele ke ntho tse lokelang ho rarollwa ka mokgwa o bontshang tshebediso e ntle ya tjhelete, mme leano lena le etsa monyetla wa disebediswa tse etsang hore Lefapha le fapose ditshebeletso le kabo ya mehlodi ho netefatsa hore maikemisetso ana a tla kgona ho ka fihlellwa.
Katoloso ya tshusumetso ya tshireletso ya setjhaba diprovenseng tse ding tse itseng e seng e jele ho feta 90% ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Lefapha, ha ho phethahatswa mosebetsi wa bohlokwa haholo wa polokeho, e batla e katlile haholo tjhelete e abetsweng ho phetha mosebetsi wa ditshebeletso tsa setjhaba?
Swilling and Russell ho latela dipatlisiso tse batsi tsa Mekgatlo eo eseng ya mmuso ya Afrika Borwa, ba re mekgatlo eo eseng ya mmuso ke karolo ya bohlokwa moruong wa Afrika Borwa, ka tjhelete e sebediswang e neng e etsa R9,3 billion ka selemo sa 1998, eleng palo e etsang 1,2% ya Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha (GDP). Palo kaofela ya basebetsi mekgatlong eo eseng ya mmuso ka selemo sa 1999 e ne e feta palo ya basebetsi (ho kenyeleditswe basebetsi ba nakwana le basebetsi ba baithaopi) ba sebeletsang khampani e kgolo naheng ena. Selemong sona seo, baithaopi ba etsang 1,5 million, ba ile ba nyehela nako ya bona le matla a bona ho sebetsa Mekgatlong e sa etseng phaello (di-NPO) ya Afrika Borwa. Ha ho sebediswa diphesente ho bapisa hona le seabo sa baithaopo ba moifo wa tshebetso e sa etseng phaello dinaheng tse 28, eleng palo e etsang palohare ya 35%, ho fumaneha hore Afrika Borwa e eme ho 47%.
Ha sena se tadingwa ho latela lehlakore la kgwebo, ho bonahala hore karolo ya ditshebeletso tsa setjhaba e na le palo ya phesente e hodimo haholo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO), e etsang 22 755 (23%) ho palo kaofela ya Mekgatlo e sa etseng phaello (DI-NPO) e 98 920 mahlakoreng a 11 a fapaneng.
Tshebeletso tsa ba qhwadileng?
Lesedi le fumanehang lenaneng lena le qotsitswe ka ho otloloha mohloding wa lona.
Le ha dintlha tse ka hodimo di sa bontshe hantle dibaka tsa ho kopanngwa ha tshebeletso, di bontsha dibaka tse fumanang ditshebeletso tsa bohlokwa tseo eleng tsona tse eteleditsweng ka pele mmusong. Ho latela letlole la ditjhelete, ho akanngwa hore lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ka selemo sa 1998 le ne le na le R18 billion, mme karolo e etsang 42% (R5,8 billion) ho yona e ne e le nyehelo e tswang mmusong. Tjheleteng eo mmuso o nyehetseng ka yona, e etsang R2,1 billion e thesemeditswe ditshebeletsong tsa setjhaba, R1,7 billion ya tsetelwa ho tsa bophelo bo botle mme R1,1 billion ya thusa ntshetsopeleng ya bodulo.
Swilling and Russell (2001:35) ba re mahlakore a ileng a amohela tjhelete e ngata ya thuso e tswang mmusong a ne a bonahala e ntshetseditswe pele hantle, Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) e neng e sebetsa ho feta ke e thehilweng dibakeng tsa diteropo tsa boemo ba batho ba sebetsang le ba boemong bo bohareng ho feta, 47% ya ditshebeletso tsa setjhaba tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) le 42% ya tshebeletso tsa bophelo bo botle tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) di ne di fumaneha ka bongata mekgahlelong ya phedisano le moruo wa batho ba boemo ba tjhelete e bohareng. Sena se hanyetsana le tlwaelo le boithapollo, le mahlakore a ntshetsopele le a matlo, moo halofo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) mahlakoreng ana ka bobedi e fumanehang ka bongata mekgeng e futsanehileng ho feta ya moruo le phedisano. Ba ile ba fihlela qeto ya hore ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle a Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) di sebeletsa lehlakore la makgowa la setjhaba, mme ho na le monyetla wa hore le hona jwale di ntse di etsa jwalo. Hona ha ho bolele hore Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le ditshebeletso tsa setjhaba ha e kgotsofatse ditlhoko tsa batho ba futsanehileng, empa ho bolela hore tshekamelo e teng e nang le monyetla wa ho hlahisa ngongoreho ya hore ke bomang ba unang molemo tshehetsong ena ya thuso ya tjhelete e tswang mmusong bakeng sa tshehetso ya ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle ba setjhaba (ibid: 36)?
Dipatlisisong tse boletsweng ka hodimo, ho ile ha fumaneha hore tjhelete ya boikgwantlello e entse 34% ya tjhelete ya Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) kaofela. Tjhelete ena e fumanehile ditefellong tsa tshebeletso, merokotsong le mehloding e meng ya boikgatlello ba ho kenya tjhelete. Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ya ditshebeletso tsa setjhaba e fumanehile e le yona e bokeletsang tjhelete ho feta ya ditshebeletso, ka morao hoba e bokelle R1,2 billion ka 1998. Tjhelete ena e emetse 32,4% ya ditjhelete kaofela lehlakoreng lena, ka dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso tse fihlang hoo 56,5% le tse tswang lehlakoreng la praevete tse etsang 11,1%.
Lenane le ka hodimo le fana ka setshwantsho se hlakileng le se sekgutshwanyane sa lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ho la Afrika Borwa. Le ha dipatlisiso tsena di entswe ka 1999, di sa ntsane di tshwanela ditaba tsena mme di tiisitse le ditemoho tse ngata tsa tshebetso tse entsweng ke mmuso. Tlhophollo ena e tiisa le seabo sa bohlokwa sa baithaopi lehlakoreng la tshebeletso ya setjhaba, ha mmoho le bokgoni ba mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) e seng e tsepamisitswe hantle, ba ho etsa letlole leo eleng la bona la pokeletso ya ditjhelete ka ditefello le mehlodi e meng ya ho bokeletsa tjhelete. Ka morao ho tsena tsohle, ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore mekgatlo e metjha eo eleng hona e thuthuhang e kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba sa moo e leng teng, esale e tehetswe kantle tabeng ya kabo ya mohlodi wa ditjhelete.
Ntlha e ka hodimo e boetse e bolela dintho tse ngata mabapi le dikamano tsa mmuso le Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO). Sena se boetse se beha boikarabelo mahetleng a mmuso hore o boele o fapose le ho fana ka mehlodi e metjha ho netefatsa hore ho na le tekano, tharollo le ntlafatso kahare ho lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO), e le hore bokgoni ba motheo bo tle kgone ho entswa dibakeng tse nang le mehlodi e haellang. Mmuso o boetse o lokela ho tadima le dibakeng tse ding ho tiisa hore ditshebeletso di nyalana le boikemisetso le dintlha tse eteleditsweng pele. Baabi ba ditshebeletso ka lehlakoreng le leng, ba lokela ho etsa mananeo a tla tshwarella ho ya ho ile a kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bongata ba dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng.
Kabo ya Lefapha ya mehlodi e sekame haholo ka lebaka la ntlafatso ya letloha la polokeho, leo eleng la bohlokwa phedisong ya bofuma ebile e le bonwang e le mokgwa o moholohadi wa ho fetisetsa tjhelete ya boiphediso ho bafutsana naheng ena. Le ha ketso ena e le e nepahetseng molemong wa ho theha letloha la polokeho, sena se e ntse hore Lefapha le sebedise palohare ya 90% ya ditekanyetso tsa lona tsa dithuso tsa setjhaba, mme ha sala feela 10% ditekanyetsong tsena molemong wa ho fana ka lethathama le batsi la ditshebeletso, ho sa natswe hore ke ditshebeletso tse etswang ke Mekgatlo eo eseng ya mmuso (di-NGO) kapa ke mmuso.
Moralo wa lewa wa Lefapha o hlahisa ntlha ya bohlokwa hore thuso bofumeng le ntshetsopeleng ya setjhaba, ditshebeletsong tsa tshireletso ya bana, tshebeletsong tsa setjhaba bathong ba seng ba hodile, bathong ba qhwadileng, le tshebeletsong tsa tshehetso ya diphofu tsa dikgoka tsa malapeng e na le ditekanyetso tse shaitsang haholo. Le ha dithuso tse nang le dipehelo di kgona ho tlisa tharollo ya bothata bona, diprovense ha di a kgona ho di bopella kahare ho ditekanyetso tsa tsona ho tiisa hore ho tla dula ho na le tshehetso ya ka nako e telele.
Bokgoni bo fokolang mahlakoreng ana ka bobedi ho latela dipalo, mahlale le ditjhelete bo ile ba hloka hore ho suthwe ka mokgwa o itseng leanong ka sepheo sa ho netefatsa hore ditshebeletso di tobiswa ho batho ba hlokang ho feta. Ho tsamaya ha basebetsi ba thekolohelo ka bongata bo boholo ba ileng ba lesa mosebetsi wa mmuso le wa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso ho leba moo ho nang le menyetla e ntlafetseng teng dibakeng tse ding le tshusumetso ya tshebedisano ya lefatshe ka kakaretso, ke dintho tse ileng tsa totisa bothata bona ba bokgoni le ho feta. Ntho ena e utlwahala ka dinako tse ding ha ho fanwa ka ditshebeletso le ka tshusumetso ya ditshebeletso e teng bathong ba sebeletswang. Ha se mmuso feela o utlwang bothata ba kgaello ena empa le mekgatlo eo eseng ya mmuso e sebeletsang setjhaba le yona e utlwa boima bona. Ho ile ha ba le bofokodi, haholo boemong ba diprovense, ba ho haellwa ke ho eketsa dithuso tsa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, haholo lehlakore le letjha le kang mekgatlo ya bodumedi, baithaopi, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng e ikemiseditseng ho sebeletsa batho ba haellwang ke mehlodi, bao esale ba tinngwe menyetla nakong e fetileng le ba futsanehileng.
Ka hoo, le ha leano lena le leka ho tlosa mehlodi le ditshebeletso maemong a moo di leng ngata teng, leano lena le boetse le amohela hore tshebeletso tsa ntshetso pele ya thekolohelo ya setjhaba ka nako e fetileng esale di fuwa tjhelete e haellang mme ho fihlela tekano ekasitana le ho rarolla diphepetso tsa hona jwale, ho tla hlokeha hore ho fumanwe mehlodi e meng ya ditjhelete.
Lefapha ho latela leano lena le tla leka ho ntshetsa pele mekgwa le mehato e loketseng hore le kgone ho arabela ditlhoko tsa diphetoho jwalo ka ha di lokodisitswe tokomaneng ya leano.
Sepheo sa karolo ena ke ho hlakisa dintlha tse nkeletsweng hloohong ka leano lena tse etsang hore ho phethahatswe ditemana tse tshwanelehileng tsa dikarolo tse fapafapaneng tsa molao wa naha o batlang ho rotetsa tshusumetso ya taelo ya mmuso ya molao wa motheo le boitlamo ba matjhaba. Dikarolo tsa molao wa naha tseo ho buuwang ka tsona mona di amana kapa di etsa monyetla wa ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso molemong wa ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Melao kaofela le ditemana tsa leano le laolang ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba naheng ena.
Ka ho kgema mmoho le leano le molao wa moralo wa tshebetso o hlahisitsweng ka hodimo, Lefapha le na le boikarabelo bo boholo le thomo ya ho fana ka ditshebeletso tsa babatsehang ka moo ho ka kgonehang ka teng setjhabeng, haholo lehlakore la batho ba kojwana di mahetleng le ba futsanehileng.
Bontsha ka moo o tla lekanya katleho ya lenaneo la ho fihlela sepheo sa ona.
Tsena tse ka hodimo di tla ba le matla a tshebetso tshebeletsong ya setjhaba ha mmoho le makaleng a tla sebedisetswa ho fana ka ditshebeletso le a tla abelwa ditjhelete. Dipehelo di tla tsepamisa taba ya ho fana ka ditshebeletso boemong ba naha kapa ba provense mme di tla itshetleha hara tse ding, diphuputsong, dipalopalong, dikopanong tsa setjhaba tse tshwanang le dipitsong tse phatlaladitsweng ke mopresidente le kapa letona, le Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele.
Ka hoo qaqiso ya tshebeletso e tla tsepamisa hore hona ho tshwanetse hore ho etswe hokae, le hore tjhelete e lokela ho abuwa ka lebaka lefe. Tsena di tla netefatsa hore mawa a mekgatlo ya boemedi le mananeo a etswa hore a phehelle ho ikamahanya le leano le batsi la Lefapha. Lefapha le utlwisisa tlhokeho ya lehlakore lena le ho hlokomela boikemelo ba lona, le ha ho le jwalo, mabaka a phetoho a qobella Lefapha ho arabela ka nepo ho diphetoho tse teng ditshekamelong tsa dipalopalo, le ditekanyetsong tsa ditjhelete le tsa dipolotiki.
Afrika Borwa e sa le e ntse e fetoha ka sekgahla se kekeng sa lekanngwa. Tshebetso ena ya phetoho e tswela pele mme ke yona eo mmuso o tla itshetleha ho yona tabeng ya hore o tla sebedisa mehlodi jwang ho fihlela e anela bohle le ho rarolla tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng e ntseng e hlahela le mehleng ena lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba. Ka morao ho leano la qetelo le mabapi le ho fetolwa ha thekolohelo ya setjhaba, mekgatlo e mengata e sa etseng phaello e ile ya leka ho fetoha ho latela tataiso tseo ho neng ho fanwe ka tsona. Le ha ho le jwalo, ho sa na le diphetoho tse ngata tse tjametseng taba ya ho fana ka ditshebeletso.
Ho finyelleha ha ditshebeletso.
Ho ajwa ka tekano ha ditshebeletso le mehlodi bathong ba metseng eo eseng ya diteropo le metseng ya diteropo.
Ho etsa hore menyetla e hloke kgethollo ya botjhaba, haholoholo mahae a maqheku.
Ntshetsopele ya tshebeletso tse itshetlehileng setjhabeng ho feta.
Makgotla a Taolo le dibopeho tse bontshang boemedi ba dipalopalo tsa batho tsa lebatowa le provense e sebeletswang.
Netefatso ya tlhokomelo ya motjha o tjhele ya mekgatlo e sa etseng phaello eo eleng hona e thuthuhang le e behilweng ka mosing.
Ho bopa bokgoni ba taolo le ba ditjhelete bakeng sa mekgatlo eo eleng hona e thuthuhang.
Ho netefatsa hore ho thusanwa ka mahlale a tswang mekgatlong e seng e tsepame hantle ho leba ho mekgatlo eo eleng hona e ntseng e thuthuha.
Ntshetsopele ya tsela e kgonehang ya tefiso ya ditefello.
Ntlafatso ya motheo wa tshebetso ya mantlha le motheo wa mehlodi mekgatlong e sa etseng phaello eo esale e behilwe ka mosing le ya ditjhaba.
Ho katla tshebetso ya ho kgaokgaohanya ditshebeletso tsa setjhaba.
Ho sutha tseleng ya tshebeletso ya tlhodisano le ya boinotshi ho kena katamelong ya tshebedisano le ya ho ipopa ngatana e thusang hore ho fanwe ka mahlale le ho kopanela tshebeletso.
Ho etsa monyetla wa tshebeletso e kopanetsweng e tla arabela ka nepo ditlhokong tsa setjhaba, le ho ananela matla a bona le bokgoni ba matlafatso, mme ka ho etsa jwalo ho phahamiswe tshebediso ya mehlodi e teng setjhabeng.
Diphepetso tsena ha se tsa bohlokwa feela mmusong empa di lokela ho emela sepheo sa boipopo ba bohle ba fanang ka ditshebeletso ho etsa bonnete ba hore ho fana ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya setjhaba ka mokgwa o nang le toka le o hlokang leeme, ho bao ba hlokang thuso ya ditshebeletso ho feta.
Ho sutha tabeng ya ho tshehetsa mekgatlo ho latela motheo wa hore ke yona e nang le tokelo ho feta, wa botjhaba, wa bong le wa tulo ya sebaka , le fetohela ditshebeletsong tse ntshetsang pele tekano, phapano le ho kopanya setjhaba.
Ho sutha ho fepela dibaka tse nang le mehlodi e mengata ho feta le ho isa thuso ena dibakeng tse eteleditsweng ka pelepele moo tlhokeho ya thuso e leng kgolo haholo.
Ho sutha thusong ya ditjhelete e thehilweng ho nyehelo ho leba ho tshehetso ya ditjhelete e thehilweng sephethong.
Ho sutha ntlheng ya ho hloka boikarabelo ho leba mokgweng wa boikarabelo mabapi le ditjhelete tsa setjhaba.
Ntho ena e tla hloka hore mmuso o itahlele ka setotswana ka mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete le mehato e meng ho netefatsa hore ho sutha hona ho etswa le ho haha motheo wa mantlha wa tlhekelo ya mosebetsi le bokgoni ba kahare ho mekgatlo e tinngweng menyetla le ditjhabeng tse jwalo, haholo dibakeng tsa metseng eo eseng ya diteropo.
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore ditshebeletso jwalo ka dintlha tse eteleditsweng pelepele, di rerile ho boloka ba folang molemo ba le ka malapeng a bona ha mmoho le baahi. Moo tlhokomelo e nngwe e bonwang ho latela tlhatlhobo ya profeshenale e le boikgethelo bo molemo ho feta, e tla lokela hore ka moo ho ka kgoneng ka teng e etswe hore e ikemisetse ho ntshetsa pele le ho boloka maqhama a lelapa le a setjhaba a phela.
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba boiteko bo kopanetsweng ba ho etsa hore mokgatlo o seke wa itshetleha haholo tjheleteng tsa thuso tse tswang mmusong mme o kgona le ho ikemela ho feta ditabeng tsa ditjhelete.
Hore baabi ba ditshebeletso ho bolelwa batho ba bangata ba molao ba sebopehong sa mekgatlo le meifo e fanang ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba.
Mekgatlo ena ke e ikemetseng boemong ba naha, ba provense le ba selehae, mme e kenyeletsa mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mekgatlo ena e ka thehwa mme ya sebetsa jwalo ka mekgatlo ya baithaopo, diterasete, dikhampani tsa karolo ya 21, mekgatlo e nang le setswalle kapa metheo. Letshwao le tlwaelehileng la mekgatlo ena ke hore ha se mekgatlo e habileng ho etsa phaello.
Mekgatlo ena e etsa mesebetsi e fapafapaneng ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka motheo wa ho etsa phaello.
Dihlopha tsena ke tsa batho ba ipopileng ngatana ho ithuta mahlale a itseng kapa ho rarolla ditlhoko tse itseng ka morero wa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona. Sepheo sa dihlopha tse ding kapa matsema (dikoporasi) ke ho etsa mekutu ya ho fumana tjhelete e kenang. Matsema (cooperatives) ka kakaretso a ngodisitswe ho latela molao {Molao wa Matsema wa 1981}.
Dihlopha tse hoketsweng bodumeding bo fapaneng ka tshebeletso tse arotsweng le tsona di etsa mosebetsi wa bohlokwa setjhabeng. Tse ding tsa dihlopha tsena mohlomong ke tse neng di hlophisitswe ebile di ngodisitswe pele, ka hoo di akaretswa ke serapa sa 8.1.1 ka hodimo. Dihlopha tse ding tsona ke tsa boithaopo bo phethahetseng.
Mafapha a naha le a provense a Ntshetsopele ya Setjhaba le mafapha a mang a fapaneng a fana ka ditshebeletso tse amanang le tsa ntshetsopele ya setjhaba (tadima thuso e arolelanwang ya ditjhelete 9.2.5). Seabo sa mmuso wa selehae jwalo ka baabi ba ditshebeletso le sona se a ananelwa.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala ke mekgatlo eo eseng karolo e phethahetseng ya mokga wa mmuso wa naha kapa wa provense, empa e sebetsa ha mmoho le mmuso mme e thehilwe ka molao o tsamaiswang ke mokga wa mmuso. Ka kakaretso mekgatlo ena e nehelana ka tlaleho ho latela Molao wa PFMA wa 1 wa selemo sa 1999.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala e ka nehelana ka tshebeletso e ikgethang e welang bonamelong ba leano lena la thuso ya ditjhelete, e jwalo ka ntshetsopele le diphuputso.
Lefapha le amohela hore ha se lona feela leo eleng mohlodi wa tshehetso ya tjhelete bakeng sa batho ba futsanehileng le lehlakoreng la setjhaba se kojwana di mahetleng. Le boetse le amohela hore ka ho ikgetha, mekgatlo e seng e tsepamisitswe hantle e na le bokgoni le metheo e hlokehang ya mantlha bakeng sa ho bokeletsa matlole a ditjhelete. Ho latela boikgethelo ba matlole jwalo ka ha ho tla hlaloswa mona ka tlase, ho fanwa ka ditjhelete tsa thuso ka kutlwisiso ya hore mekgatlo ena e bokella matlole mme e tla tswela pele ho bokella ditjhelete tse tswang mehloding e meng e kang mafapha a mang a mmuso, mekgatlo e fanang ka dinyehelo, mananeo a boikarabelo ba setjhaba lehlakore la dikgwebo tsa praevete, ka diterasete le mekgatlo e thehilweng le tjhelete ya phaello e tswang dinthong tse jwalo ka Loto.
Ka ho nkella hlloohong tsohle tse boletsweng ka hodimo, karolo e latelang e reretswe ho fana ka tataiso tse mabapi le tshehetso ya tjhelete ya thekolohelo le lehlakore la ntshetsopele ya setjhaba bakeng sa ho fana ka ditshebeletso.
Ditlhoko tsa tshehetso ya ditjhelete.
Lefapha le na le seabo sa bohlokwa tlhophisong ya phepelo ya ditshebeletso. Le etsa jwalo ka ho nehelana ka tshebeletso e jwalo ka bolona, kapa ka ho fumana mekgatlo ya kantle hore e nehelane ka tshebeletso tseo. Leano le ipapisitse le ntlha ya qetelo.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thuso ya tlatsetso ya mananeo a kgotsofatsang ditlhoko tsa mantlha tsa Lefapha.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thendara e kwetsweng. Maemong a tjena Lefapha le ema ka maoto ho fumana ditlhoko ebe le meme dikopo tse tswang ho baabi ba loketseng ba tshebeletso, ho netefatsa hore ho fanwa ka ditshebeletso moo di hlokehang teng.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ya ditshebeletso ho latela tsela ya dithendara tse buletsweng bohle. Moo ho leng tjena, dimemo tsa ho fana ka ditshebeletso di etswa ka mokgwa wa ho latela mehato le maano a dithendara.
Moo tshebeletso e sa ntsane e le boemong ba kgato tse qalang tsa ntshetsopele mme e eso tshwanelwe ke ho fumana tshehetso ya ditjhelete ho latela sekepele se behilweng, ho ka nna ha nahanwa ka mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete.
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o ka nna wa lekolwa bakeng sa dintho tse sa jeweng tse kang fanitjhara, theepa le tlhokomelo. Maemong a ikgethang haholo mofuta ona wa tshehetso ya ditjhelete o ka nna wa lekolwa le ona bakeng sa ntshetsopele ya motheo wa mantlha wa tlhekelo, ho latela boinyalanyo le ditlhoko tsa molao mabapi le thuo.
Ena ke tshehetso ya tjhelete ya mofuta o tlang hang mme e sebetsa mererong ya diprojeke tsa hlokang feela tshehetso ya qalo hore e tle e kgone ho itjara.
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa feela moo karolo e itseng ya tshebeletso e kgolwanyane eleng yona e ananetsweng bakeng sa ho tshehetswa ka tjhelete.
Tsela ena ya tshehetso ya ditjhelete e etsahala ha baabi ba fapaneng ba thuso ya ditjhelete ba etsa qeto ya ho kopanela tshehetso ya tshebeletso e itseng kapa ho tshehettsa karolo tse fapaneng tsa tshebeletso e batsi.
Mokgwa ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa ditshebeletsong tse sebetsang nako e telele mme o na le maikemisetso a nako e telele, le katleho ya morero ona e itshetlehile tshehetsong ya tjhelete e tswang Lefapheng hore morero ona o tsebe ho tswele pele ho sebetsa ka ditefello tsa letsatsi le leng le le leng. Tshehetso ya ditjhelete e ntshetswa pele ha feela tshebeletso e ntse e dutse e eteleditswe pele mme ho tiisitswe le taba yanyalano le dipehelano tsa tumellano.
Karolo ena e fana ka moralo wa ka moo Lefapha le tla romela ditefello ka teng ho mafani wa tshebeletso ya keneng tumellanong le lefapha.
Mokgwa ona wa tefo o sebediswa moo tefo ya tjhelete e hlahlamang e itshetlehileng phetholong e fihletsweng ya mosebetsi wa kgato e fetileng.
Ho tla lekolwa taba ya ho romela tjhelete kaofela moo baabi ba tshebeletso ba nang le rekoto e bonahalang ya bopaki ba boinyalanyo, tshepahalo le boikarabelo. Sena se etsahala moo mekgwa e meng ya tefo e sa lokelang, jwalo ka, hara tse ding, maemo a phallo ya tjhelete le boemo bo batlang bo le mangweleng ba tshehetso ya tjhelete.
Mokgwa ona wa tefo o bolela hore tjhelete e abetsweng selemo e arolwa ka dikotwana tsa kgwedi le kgwedi, tsa kgwedi tse ding le tse ding tse tharo kapa tse tsheletseng, mme e lefuwa ka tjhelete tse lekanang, ho thusa ka taolo ya phallo ya tjhelete le taolo ya tjhelete e sebediswang.
Lefapha le na le tokelo ya ho tsepamisa hore ke karolo efe ya boikgethelo e tla tshwanela moabi wa tshebeletso. Le ha ho le jwalo, Lefapha le tla nkella hloohong boipiletso bo tla etswa ke moabi wa tshebeletso bakeng sa boikgethelo bo bong bo fapaneng ba tefo.
Moabi wa tshebeletso o tla tshwanelwa ke thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba haeba moabi wa tshebeletso a kgotsofatsa ditlhoko tse latelang.
a kgone ho ikarabela tshebedisong ya thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng ka mokgwa o amohelehang le ho latela dipallo tsa Molao wa Taolo ya Tjhelete tsa Setjhaba (PFMA) wa 1 wa 1999.
e be o ngodisitswe ka molao ho latela molao ofe kapa ofe o mong o amanang le tshebeletso ka ho qoholleha mohlala. Molao wa Tlhokomelo ya Bana, wa Batho ba tsofetseng, jwalo jwalo.
a tshehetse le ho itlama ho arolelana mehlodi le ho fana ka mahlale a tsebo ho mekgatlo e ntseng e thuthuha.
Baabi ba tshebeletso ba lokela ho nehelana ka moralo wa kgwebo jwalo ka sena se laeleditswe mohatong wa tataiso.
Maikemisetso, tshebetso le sephetho.
Ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso tse bontshang bongata ba tjhelete e hlokehang le sepheo seo tjhelete e tla se sebedisetswa.
Seabo le boikarabelo ba mafani wa tshebeletso ya amehang le sa Lefapha di tla hlakiswa hantle tumellanong e tla saenelwa ke mahlakore ana a mabedi.
Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Mmuso di laolwa ho latela motheo wa nako e bohareng wa moralo wa tshebetso wa tshebediso ya tjhelete (MTEF), eleng moralo wa dilemo tse ngata o akaretsang sedikadikwe sa dilemo tse tharo. MTEF e thusa mmuso hore o rale ka tsela ya lewa ho latela motheo wa mehlodi ya ditjhelete o hopoletsweng nako e tlang. Hore Lefapha le kgone ho arabela ka tsela e loketseng ditlhokong tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ya naha ena, le lokela ho ba boemong ba ho shebela pele tshusumetso e tla utlwahala tjheleteng ha ho fanwa ka tshebeletso ka motheo wa dilemo tse ngata.
Ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng le moo ho lokelehang teng, meralo ya kgwebo e lokela ho fana ka setshwantsho sa moralo wa dilemo tse ngata le ditekanyetso tsa nakong ya ho fihlela ho dilemo tse tharo. Ntho ena e tla etsa hore Lefapha le kgone ho nkella hloohong nepahalo le bokgoni ba ntshetsopele ya mekutu ya nako e telele e reretsweng ho rarolla dintlha tse eteleditsweng pele le ho susumetsa tshuthiso tse tlisang phetoho. Maemo a tshehetso ya ditjhelete bakeng sa selemo se hlahlamang ha mmoho le kananelo ya motheo ya tshehetso ya ditjhelete nakong e teletsana e tla itshetleha sephethong sa tlhatlhobo ya mosebetsi o entsweng papisong le maikemisetso a tsepamisitsweng ha mmoho le bonamo boo moabi wa tshebeletso a kgonang ho kgotsofatsa diphepetso tsa diphetoho ka ona.
Ditebello tse tshwanang ka mahlakoreng a mabedi mabapi le tshehetso ya ditjhelete le taba ya ho fana ka ditshebeletso ke dintho tse tla ngolwa ka molao tumellanong e tla saenelwa ke Lefapha le moabi wa tshebeletso. Boikarabelo bo totobaditswe ka mokgwa o hlakileng. Ho feta mona, tumellano le yona e totobatsa boitlamo ba moabi wa tshebeletso ho latela tseo a lokelang ho di phethahatsa, tlaleho le boikarabelo ekasitana le mehato ya tlhatlhobo e tla latelwa ho netefatsa boikarabelo ba ditjhelete tsa setjhaba tse amohetsweng.
Lefapha le ka nna la kena tumellanong ya selemo se le seng kapa maemong a mang le ka nna la kena tumellanong tsa dilemo tse ngata le baabi ba ditshebeletso. Tumellano ena ya bobedi e tla etswa moo Lefapha le kgotsofetseng hore tumellano ya selemo se le seng e keke ya kgoneha le hore ha e batlehe ka lebaka la sebopeho sa tshebeletso, mofuta le boemo ba letsete ekasitana le bobatsi ba moralo.
Se lebeletsweng tshebeletsong ka ho ikgetha dibakeng tse qoholehileng.
Ditlhophiso tsa ditjhelete.
Seabo le boikarabelo ba Lefapha ha mmoho le moabi wa tshebeletso.
Nako ya tumellano.
Ditlhoko tsa ho fana ka tlaleho le boikarabelo ditjheleteng nakong tse itseng tse tsepamisitsweng.
Tlhokomelo le tlhatlhobo ya ditlhophiso.
Tlhokomelo le tlhatlhobo ke mosebetsi o tswelang pele le o tla dula o ntshetswa pele.
Sepheo sa tlhokomelo le tlhatlhobo ke ho lekanya boinyalanyo le tumellano, dipehelano tsa ho fana ka ditshebeletso le taolo ya ditjhelete.
Ditjhelete bonamo ba ka moo moabi wa tshebeletso a inyalanyang le dipallo le ditlhoko tse tsepamisitsweng tsa tumellano, le hore naa lewa la moabi wa dipatlisiso, phethahatso le phethiso di na le nyehelo hore ho fihlelwe sepheo, le ho fana ka poello hodima letsete le boleng ba tjhelete?
Mosebedisi lehlakore lena le tsepamisa maikutlo hodima tshebeletso eo ho fanwang ka yona ha mmoho le kgotsofalo ya mosebedisi kapa moamehi ka sephetho sa tshebeletso; ntho ena e bontsha karabelo, nako, botshepehi, tiisetso le kutlwelo mabapi le moamohedi ya fuwang ditshebeletso tsena. Ntho ena e kenyeletsa tsepamiso le ho kgethulwa dikalwana ha sebaka sa tshebeletso le ho lekanya katleho ya tlhophiso dibakeng tseo tse habilweng tse kgethutsweng?
Lehlakore la Tlhophiso (kgwebo ya ka hare) lehlakore lena le tsepamisa maikutlo tshebetsong tsa bohlokwa tsa kahare tseo moabi wa tshebeletso a lokelang hore a itje ka tsona hore a fihlele boikemisetso ba lewa la hae. Tshebetso tsa kgwebo ya kahare di lokela hore di etse monyetla wa ntlafatso ya katleho e tswelang pele motjha o tjhele e mabapi le bokgoni ba sehlooho ba tlhophiso le bokgoni ba ho fihlella mekolokotwane e behilweng le ho fihlella kgotsofatso ya mosebedisi. Sena se boetse se bolela hore moabi wa tshebeletso o lokela ho hlophisa tikoloho hore ho be le nyalano ha mmoho le karabelo ya mabaka a ho tlisa diphetoho?
Lehlakore la dintlafatso le tlwaelo ya ho ithuta mokgatlo o lokela hore o dule o fetola ka dinako tsohle dihlahiswa tsa ona le tshebeletso tse fuwang mosebedisi ho kgema le sekgahla sa tswelopele tse ntjha le ditlhoko tsa tshebeletso. Ntho ena e boetse e amana le ntlafatso ya ho ya ho ile ya boleng ba shebeletso e fuwang baamohedi, e le hore e nepahale, e sebetse hantle le ka bokgabane, le hore e kgone ho hata mmoho le ditlhoko tse fetohang tsa setjhaba se sebeletswang. Hona ho bolela hore ho tshwanetse ho be le thupelo le matlafatso ya moifo wa basebetsi hore ba kgone ho etsa mesebetsi eo ba e abetsweng, le ho ntshetsa pele tlwaelo e hlwahlwa ha mmoho le ntshetsopele ya boithuto le kgolo ya mokgatlo?
Karolo ya bohlokwa ya tlhokomelo le tlhatlhobo e tla ba e tobileng mehatong ya ntlafatso e tla sebediswa maemong a moo ho bonahalang bofokodi bo le teng le ho se ikamahanye le dipehelano.
Ho kgema le molao o lokelang, maano le ditlha tse eteleditsweng pele, ditabatabelo le maemo ekasitana le mehato.
Ho netefatsa hore ditjhelete tse abilweng di sebedisetswa merero eo ho dumelanweng ka yona tumellanong.
Ho tsepamisa hore naa ho ikamahanngwa le mabaka a qobellang hore ho be le diphetoho.
Ho kgothaletsa tlwaelo ya ho sebetsa ka tsela e hlwahlwa.
Ho tsepamisa hore naa ho na le kameho e phethahetseng ya batho ba folang molemo ho sena, baamehi le setjhaba moralong wa sebopeho sa mokgatlo, maano a (tsamaiso) le taba ya ho fana ka tshebeletso.
Ho hlokomela phethahatso ya lewa la taolo ya phapano mokgatlong.
Ho hlokomela hore naa mokgatlo o na le moralo o tla tshwarella nako e telele.
Moabi wa tshebeletso o lokela ho hlokomela le ho disa tshebetso eo eleng ya hae, ka kopanelo le ba folang molemo, ekasitana le ho netefatsa hore o fana ka tshebeletso ya boleng. Lefapha le tla sebedisa lesedi lena e le karolo ya tshebetso ya lona ya tlhokomelo le tlhatlhobo.
Lefapha le na le tokelo ya ho fokotsa, ho fanyeha kapa ho kgaotsa tshehetso ya tjhelete ho latela tlhatlhobo ya bonamo ba moo tlhokeho ya boipapiso le dipehelo tse fuperweng ke tumellano di ileng tsa e ba teng.
Dipehelano tse mabapi le ho finyeletsa tjhelete kapa thuso ha di a phethahatswa.
Ha ho sa hlokeha thuso ya tjhelete.
Merero eo ho dumellanweng ka yona ha e a fihlellwa.
Tjhelete e seng e rometswe ya tefo kapa thuso ha e fane ka boleng ba tjhelete papisong le sepheo le merero.
Moo tjhelete ya tshehetso ya tjhelete e nkuwang e fokoditswe, e fanyehilwe kapa e kgaoditswe Lefapha ho latela molao wa kakaretso le tla ipapisa le ditlhoko tsa toka ya tsamaiso.
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya sebopeho le sepheo sa mohato wa tsamaiso o lohothwang.
Ho tla fanwa ka sebaka se lekaneng ho moabi wa tshebeletso ho tshetleha lehlakore la taba tsa hae.
Ho tla fanwa ka tlhaloso e hlakileng ya mohato wa tsamaiso.
Ho tla fanwa ka tsebiso ya tokelo efe kapa efe kapa tekolo kapa boipiletso ba kahare moo ho tshwanelehileng teng.
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya tokelo ya ho kopa mabaka.
Hangata phokotso, ho fanyehwa kapa ho kgaotswa ho tla etswa ka morao hoba ho tshwarwe ditherisano ka teko ya ho thusa moabi wa tshebeletso hore a lokise boemo boo eleng pharela. Le ha ho le jwalo, maemong a itseng tlolo ya dipehelano tsena e matla haholo hoo tshehetso ya tjhelete e ka kgaotswang hang hang, hore e se hlole e ba teng kapa e ka kgaotswa nako e itseng.
Moo ho hlokehang boikamahanyo le ditlhoko mabapi le ho nehelana ka tlaleho ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng, ho kenyeleditswe le diteitmente tsa ditjhelete.
Diqabang di ka qhoma nako le nako ka dintlha tse amanang le kutlwisiso le phethahatso ya leano, ho kenyeleditswe le tlhatlhobo le tekanyo ya mananeo le ditshebeletso, ho hlwauwa le kabo ya mehlodi bakeng sa moabi wa tshebeletso ekasitana le phokotso, ho fanyehwa le ho kgaotswa ha thuso ya tshehetso ya tjhelete. Ho ka lebiswa boipiletso ho balaodi ba phethahatso. Tsela e ka latelwang mabapi le ntlha ena e totobaditswe ka botebo mohatong wa tataiso.
Ditherisano mabapi le ntsetsopele le phethahatso ya maano le mawa a Lefapha.
Ditherisano di tla tshwarwa ho latela moralo wa tshebetso wa thomo ya Lefapha jwalo ka ha o hlahisitswe molaong, ditemaneng tsa leano, kabong ya ditekanyetso le ditaelong tsa lewa.
Tsela tsa tshebetso ya tsamaiso tse amanang le leano di tla botjwa le ho fana ka tsona ka botebo leqepheng le ka thoko le ikgethileng. Diprovense di ka nna tsa etsa mohato wa tataiso wa phethahatso ya leano. Tsona di lokela ho balwa ha mmoho le leano ebile e le karolo ya leano lena.
Ho bonahetse hore nakong ya hona jwale mafapha a diprovense le a naha ka kakaretso a haellwa ke bokgoni ba ho phethisa le ho phethahatsa leano lena. Lefapha ka tsela ena le tla lebellwa ho bopa bokgoni bo hlokehang ba tlhophiso le bo phethahetseng maemong ana ka bobedi.
Boitlamo ba hore motho a ikarabelle mekgweng ya tshebetso ya mosebedisi, meifong ya taolo, ho baabi le institjhusheneng tse ikgethang tsa mmuso bakeng sa lethathama le boleng ba ditshebeletso tse phethilweng, kabong le tshebedisong ya mehlodi ha mmoho le ho fihlella maikemisetso.
Diteitemente tsa ditjhelete tse hlahlobilweng ke mohlakisi wa ditjhelete (oditara) ya ngodisitsweng kapa akhaontente ebile e le ditokomane tse bontshang boemo ba ditjhelete ba karolo ho latela metheo e amohelehang ka kakaretso ya boikarabelo ba tjhelete.
Motho ya amohelang thuso ya tjhelete ya boiphediso kapa thuso e nngwe ya tjhelete e tswang projekeng kapa lenaneong la setjhaba.
Mokgwa wa tshebetso oo ka ona ho tadimelwang pele mabapi le tjhelete e sebetsang le ditjhelete tse ding tse tla sebediswa mabapi le ditshebeletso tsa kantle nakong e itseng, ha mmoho le mehlodi ya sebele kapa monyetla wa mehlodi e ka thetlwang ho fumana tjhelete nakong yona eo.
Moralo o nang le dintlha kaofela wa ka moo ba etsang mosebetsi ba rerileng ho fana ka ditshebeletso ka teng ho moamohedi wa ditshebeletso le hore mehlodi e tla sebediswa ka tsela e jwang.
Ha botho ba motho bo tshetjwa ke batho ba phelang le yena hore a phethise mesebetsi ya mokgatlo kapa ya institjhushene.
Mekgatlo e qadilweng ke baahi ba naha e kenyeletsang e kang e sa etseng phaello, dihlopha tsa boithuso kapa boikgwantlello le matsema (dikoporasi) mekgatlo e thehilweng bodumeding le dihlopha tsa ditshebeletso, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng.
Mekgatlo e thehilweng ho kgotsofatsa ditlhoko tse ikgethang tsa setjhaba e fumanehang kahare ho setjhaba seo ba se sebeletsang.
Tsela ya tshebetso le mokgwa o reretsweng ho matlafatsa bokgoni ba setjhaba hore se kgone ho arabela ditlhokong tsa sona ka bosona le ho ntlafatsa bokgoni ba ntshetsopele, ka ho sebedisa setjhaba, dikatamelo tse thehileng matleng le mananeong a matlafatso.
Tumellano ya molao dipakeng tsa mahlakore a mabedi kapa a fetang moo ya ho etsa kapa ho phethisa mesebetsi ho ya ka moralo wa tshebetso wa molao.
Tokomane ya molao e fupereng tlhaloso ya motheo, ponelopele le maikemisetso a batsi a mokgatlo. E akaretsa mehato kaofela le boitshwaro bo hlokehang tsamaisong e nepahetseng le tsela eo mokgatlo o sebetsang ka yona. Moo eleng Diteresete le difaondeishene tse ngodisitsweng mona ho kenyeletswa le Diditi tsa Terasete (Trust Deeds) ho ya ka Molao wa Taolo ya Theepa ya Terasete wa 1988, le moo e leng Dikhampani tsa Karolo ya 21 (Section 21 Companies) tse ngodisitsweng, Memorandamo le Articles of Association?
Boikarabelo ba mafapha a mmuso a naha, a provense le a puso ya selehae ba ho fana ka ditshebeletso tse kgemang le dintlha tseo mmuso o di eteleditseng pele le ditlhoko jwalo ka ha di fuperwe ke molao wa motheo wa naha.
Ho ba le tumelo ho mokgatlo kapa instiotjhushene e mahlong a setjhaba.
Ntshetsopele ya setjhaba ya lefapha la naha le la provense kapa la thekolohelo le ikarabellang hore hore le fane ka tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang. Sena se boetse se mabapi le Ofisi efe kapa efe ya lefapha e abetsweng mosebetsi o jwalo lebatoweng, seterekeng kapa sebakeng sa selehae, moo ofisi tsena di fumanehang teng.
E thehilwe hodima tshireletso ya setjhaba, matlafatso e phethahetseng ya bokgoni ba botho le kgothaletso ya boikgwantlello le ho kenya letsoho ha ho etswa diqeto. Thekolohelo ya ntshetsopele ya setjhaba e thehile maikutlo ka ho ikgetha ho disosa le tshusumetso tsa ho pepeseha ha setjhaba le ho behwa ka mosing ha sona, le ho fana ka tshebeletso tse kopantsweng tsa setjhaba, tsa malapeng le bathong ba anngweng ke maemo ana.
Kabo ya matlole molemong wa tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Sehlahiswa sa Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha ke tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha papisong le dinaha tse ding.
Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Mekgatlo e metjha e qalang ho kena tshebetsong ya ntshetsopele le kapa esoka e ba le bokgoni bo lekaneng ha mmoho le disebediswa ekasitana le mehlodi eo eleng ya yona hore e kgone ho dula e le teng.
Karolelano ya mehlodi dipakeng tsa dihlopha tse pedi kapa ho feta moo, ka mokgwa wa ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng di kgotsofatswa ntle le leeme ka sepheo sa ho fihlella tlhoko tsa bohle.
Tlhatlhobo e latelang mehato hantle ebile e ikemetse ya morero wa projeke hore ho tsepamiswe hantle tlhopiso e phethahetseng, katleho, tshusumetso le matla a ho itjara nako e telele.
Di kenyeletsa memorandamo le articles of association tsa khampani, Diti ya terasete, le molao wa motheo wa moabi wa tshebeletso ya lokelang kapa mokgatlo wa baithaopi kapa mekgatlo ya naha?
Tjhelete e lefuwang ka kgwedi e tswang matloleng a ditjhelete tsa setjhaba ho hlokomela motho kapa baotlwa ba ba loketseng ho latela molao.
Ditokelo tse kenyelleditsweng Molaong wa Motheo.
Kopano e pakeng tsa boradipolotiki kapa dihlooho tsa mmuso le setjhaba, ka sepheo se le seng sa ho abelana le ho rerisana ka ditaba tse amang setjhaba le/kapa naha.
Diphetoho tse nepahetseng le tse sa nepahalang tse hlahiswang ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang, ka morero wa projeke kapa lenaneo.
Katamelo e makala a mangata eseng e sebetsang ka makala a le mang ho etsa mosebetsi.
Mafapha a fapaneng, mekgatlo, le dikgwebo tse sebetsang ha mmoho ho nyehela tshebeletsong e phethahetseng e reretsweng ho rarolla ditlhoko tsa ba lokelwang ke ho amohela kapa ho fola melemo.
Ho na le mekgatlo eo eseng ya mmuso e fanang ka tshebeletso e molemong wa setjhaba haholo.
Mekgatlo e ikemetseng, meifo, diterasete, dikhampani kapa mekgatlo ya batho ba sebetsang boemong ba naha, ba diprovense le kapa ba selehae ho fana ka tshebeletso tsa thekolohelo ntle le ho fumana phaello, empa molemong wa sepheo sa setjhaba. Tjhelete e kenang le maruo e keke ya fuwa ditho tsa mokgatlo wa mofuta ona kapa batho ba leng ditulong ntle le ditlhapiso tse utlwahalang bakeng sa ditshebeletso tse entsweng. Karolo tsena di ngodiswa kapa di keke tsa ngodiswa ho latela Molao wa Mekgatlo e sa etseng phaello (Molao wa nomoro ya 71 wa selemo sa 1997), Molao wa Naha wa Thekolohelo, (Molao wa Nomoro ya 100 wa 1978) kapa molao ofe kapa ofe wa thekolohelo o laolang mofuta ona wa tshebeletso.
Moifo o kgethilweng ka moo ho tshwanetseng ka teng ho emela batho ba unang molemo jwalo ka karolo ya molao.
Sehlopha sa batho ba kgethilweng kapa ba menngweng ka boithaopo ho etella pele le ho tataisa ekasitana le ho laola ditaba jwalo ka baetapele ba molao ba Mokgatlo o sa etseng phaello (di-NPO). Ditho di tla kenyeletsa batho ba nang le mahlale le ditsebo tse fapafapaneng tse hlokwang ke mokgatlo.
Tlhokomelo kapa bodisa bo tswellang kapa ba dinakong tse itseng ba phethahatso ya morero wa projeke ho netefatsa hore tsohle tse etswang, mesebetsi le mabaka a kantle, di tswella pele ho latela moralo.
Kgutsufatso ena e bolela (Medium Term Expenditure Framework), Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Bohareng eleng ntho e hlokang mmuso hore o etse moralo wa ditjhelete wa nako ya dilemo tse tharo.
Boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso, mekgatlo ya setjhaba le lehlakore la kgwebo, ba ho phetha ditshebeletso.
Nako ya ka morao hoba kgethollo ya apartheid e fediswe mme ho thehwe puso e ntjha moo metheo ya puso ka setjhaba kapa demokrasi e ileng ya fetoha karolo ya puso e ntjha jwalo ka ha ntlha ena e fuperwe ke molao wa motheo wa naha ena?
Malapa, batho le kapa dihlopha tse phelang ka tlase ho moedi wa bofutsana, le batho ba fumanehileng ho feta ba hlokang mehlodi ya ho kgotsofatsa diphepetso le ditlhoko tsa mantlha tsa bophelo.
Dinyehelo tse fumanweng ho batho kapa dikarolo kapa mekgatlo e sebetsang ka boikemelo e sa itshetleha mmmusong.
Sehlopha sa merero ya diprojeke tse amanang kapa ditshebeletso tse tobisitsweng hore ho fihlelwe maikemisetso (ka tlwaelo a tshwanang kapa a amanang) a qoholehileng.
Morero o hlophisitsweng o etseditsweng ho fihlela maikemisetso a itseng a ikgethang nakong ditekanyetso tse itseng le nakong e tsepamisitsweng.
Nyehelo e amohetsweng setjhabeng ka kakaretso.
Tjhelete e kenang e bokeletswe ke mekgatlo e fapaneng ka bonngwe ba yona.
Batho, mekgatlo le dibopeho tse fanang ka tshebeletso ya thekolohelo boemong ba naha, ba provense le ba selehae, dihlopheng le bathong ka morero wa ho ntlafatsa boiphediso ba bona. Baabi ba ditshebeletso ba ka kenyeletsa: matitjhere, basebeletsi ba thekolohelo, basebetsi ba tlhokomelo ya bana le batjha, baoki, maponesa, jwalo jwalo.
Lehlakore le nang le moifo wa basebetsi bao sepheo sa bona sa sehlooho eleng ho fana ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e sekametseng ntshetsopeleng ya setjhaba.
Ho senyeha kapa ho fokola ha dikamano tsa botho setjhabeng eleng ntho e etsang hore ba hlolehe ho phela ka mokgwa o amohelehang.
Di tsepamisa maikutlo lethathameng le pharaletseng le le batsi ho feta la ditshebeletso tse amanang le thekolohelo ya setjhaba le ntshetsopele tseo ho fanwang ka tsona ka tsela e fapaneng ho netefatsa hore ho na le mekutu ya tharollo e kopanetsweng le e tla tshwarella ho ya ho ile.
Thuso ya ditjhelete eo mmuso o fanang ka yona e le tjhelete e tlatseletsang tjheleteng ya Mekgatlo e sa etseng Phaello (di-NPO) ka morero wa ho reka ditshebeletso tsa bona.
Bonamo ba ka moo institjhushene e kgonang ho tswela pele ka boyona ho tsitlallela ho emela boikemisetso ba yona ka morao hoba thuso e hlohlwang morerong ona e fele.
Sehlopha se qoholotsweng se tla fola molemo morerong wa projeke e etswang kapa lenaneong le hlophisitsweng.
Ketso ya molao ya ho itlhahisetsa monyetla wa ho nehelana ka tshebeletso kapa ho etsa mosebetsi o itseng.
Motho ya lohothwang ya tla fepela diphahlo kapa a fane ka tshebeletso e itseng.
Tjhelete e abetsweng ho tshehetsa ka ditjhelete meifo ya naha hore e etse mosebetsi o itseng lebitsong la lefapha.
Mosebetsi wa ho fetola sebopeho sa ditlhophiso le mokgwa oo tshebeletso e phethiswang ka teng e le ho ipapisa le thomo tsa molao le tsa leano tse amanang le tshehetsa baabi ba ditshebeletso ka tjhelete.
Motho ya sebeletsang setjhaba mme tshebeletso ya hae ya mananeo a tsamaiso kapa a ho bokella ditjhelete tsa matlole e sa lefellwe letho. Le ha ho le jwalo, ntlheng tse itseng, ho na le hore moithaopi a fuwe tjhelete ya ditshenyehelo tsa hae ke Mokgatlo o sa etseng Phaello kapa Mokgatlo oo eseng wa mmuso, mme ka dinako tse ding hona ho etswa feela e le tefo e fuwang baithaopi ya sesupo sa kananelo ya seabo sa boithaopo.
Batho ba kojwana di mahetleng ba pepesehileng hore ba ka thulana le mathata a bophelo ka lebaka la maemo a bona.
Mekgatlo e nang le bokgoni le mehlodi e anetseng ya ho hlokomela le ho tshehetsa batho ba itshetlehileng thusong ya tshehetso ya bona.
<fn>sot_Article_National Language Services_KETAPELE YA MOLAODI E.txt</fn>
Afrika Borwa e tjametswe ke boikarabelo ba ho fumana tharollo ya qaka tse kang ya ho matlafatsa batho ba yona moruong, phediso ya tlhokeho ya mosebetsi le bofuma. Ka hoo ke ntlha ya bohlokwa hore e be puo e na le seabo sa bohlokwa tharollong ya diphephetso tsena. Ho feta mona, re lokela ho lemoha hore puo le yona e na le nyehelo ya bohlokwa thutong, e netefatsa hore ho na le mokgwa wa ho finyella ditshebeletso tsa bohlokwa le lesedi, molemong wa ntshetsopele ya motho boyeneng ba hae le pepesong ya bonono ba setho.
Lefapha la Bonono le Setho le bona motheo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (Language Research and Development Centres - di-LRDC) e le tsa bohlokwa haholo tharollong ya ditaba tsena. Ka ho etsa jwalo, katamelo ya rona e ne e le ho leka ho tsepamisa ka tsela e qoholehileng maikutlo hodima dipuo tse neng di kotetswe nakong e fetileng, ka ho etsa jwalo e le ho di abela sebaka sa bohlokwa phethahatsong ya leano la rona la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mohopolo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) le wona o nkela hlohong hore ditjhaba tse buwang puo di qhalane hohle diprovenseng tse fapaneng. Ka lebaka leo, di tla hlongwa moo batho ba buwang dipuo tsena ba phelang teng. Ho hlongwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) diprovenseng, haufi le beng ba dipuo tsa kwano, ke mohato wa lewa jwalo ka ha re bonela pele dilekane tse tla tlabolwa le tshebedisano mererong ya diprojeke tsa bohlokwa tsa puo tse tla etswa ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng ya rona.
Leha ho le jwalo, re lokela ho amohela mohopolo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) jwalo ka mohopolo o batlang o le motjha naheng ena ya rona. Re tla itshetleha haholo tshehetsong ya balekane ba rona ba jwalo ka mafapha a mmuso wa naha, diprovense tse robong ha mmoho le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa.
Ho tloha morao ka selemo sa 1997, Letona la Bonono le Setho, Saense le Theknoloji, Ngaka Ben Ngubane, o ile a laela Lefapha ho potlakisa ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC). Ho ile ha tshwarwa ditherisano ha mmoho le tlhakiso ya bokgoni bo teng le mehlodi ho hlahloba bohlokwa le monyetla wa morero o jwalo. Ka hoo, ditlhahiso tse fuperweng ke tokomane ena ya puisano di ile tsa nkella hlohong sephetho le dikgothaletso tse ileng tsa ba teng. Ho feta mona, ho ile ha hlophollwa boemo ba hona jwale bo amanang le phetoho ya boemo ba puo ho tloha ka selemo sa 1994 ntlheng ya katleho tse fihletsweng, mathata le makgalo a ntseng a le teng. Ho amohelwa nnete e reng tshebediso ya dipuo tsena dibakeng tsa mosebetsi, thutong, mekgweng e batsi ya ho fana ka ditaba, kgwebong, jwalo jwalo, ha e kgeme le Molao wa Motheo.
Boitshetlehong ba dintlha tsena, ho ile ha fihlelwa qeto hore ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ke hwa bohlokwahadi ho lokelang hore ho akofiswe hore ho fane ka mokoka phethahatsong ya Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo (NLPF). Haholoholo dipuong tsa batho ba neng ba ntse ba kotetswe nakong e fetileng, melemo e tla fumaneha ho thehweng ha ditsha tsena ke e mengata haholo. Tokomaneng ena, ho hlahiswa mohopolo le tsela ya Ditsha tse jwalo ho latela kutlwisiso ya Afrika Borwa. Ho boetse ho entswe le tlhahiso ya se bolelwang mabapi le moralo, tlhophiso le tshehetso ya ditjhelete.
Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo wa 2003 o bontsha hore phethahatso ya leano ka mokgwa o sebetsang hantle e itshetlehile motheong wa tlhekelo wa institjhushene o tsitsitseng le o tla netefatsa hore ho na le tshebetso ya nako e telele ya mesebetsi e ntshetsopele ya dipuo tsohle a etsahalang ka dinako tsohle. Diphuputso, tse loketseng le tse arabelang ditlhoko tse amanang le ntshetsopele ya leano, tekolo ya leano le ho etsa diqeto, ke tsona dintho tse tla atlehisa leano la phethahatso, haholo ha ho tadingwa mathata a ditjhelete le mehlodi e haellang eo mmuso o tjamelaneng le yona kajeno.
Mmuso o itlamme ka tshebediso ya dipuo tse ngata e le wona mokgwa o tla sebediswa mona Afrika Borwa. Ekasitana le boitlamo ba molao wa motheo bo hlakile, hore mmuso ka ho lemoha tshebediso e fedileng e qholoditsweng ke histori le boemo ba dipuo tsa kwano tsa batho ba rona, o lokela ho etsa mawala ohle a loketseng a ho phahamisa boemo le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena Molao wa 108 wa 1996, karolo ya 62. Ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di-LRDC ke o mong wa mehato ya pele e jwalo eo mmuso o lokelang ho kena ho yona mme ebile e dula e le boikarabelo ba mmuso bo ke keng ba qhellwa thoko. Ka hoo, molao le moelelo wa leano le tshehetsang ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo o se o le teng ho etsa hore mmuso o kgone ho fihlella sepheo sa tshebediso ya dipuo tse ngata ho la Afrika Borwa. Hobane mmuso o ikarabella tsepamisong ya leano le phethahatsong ya leano, ke ntlha ya bohlokwa hore Tshebeletso ya Naha ya Puo NLS e netefatse hore ho na le ho kgema mmoho le tlhophiso e ntle dipakeng tsa boikemisetso le mehlodi ya Dibopeho tsa Motheo e hlokehang katlehisong ya phethahatso maemong ohle a mmuso?
Ka lebaka la melemo ya nakong e fetileng e etsahetseng Senyesemaneng le Afrikanseng, ha ho hlokehe boitshireletso ba letho ba ho tsepamisa matla ohle le mehlodi e haellang dipuong tse robong tsa batho ba batsho tsa mmuso. Moo ho tswanetseng, dipuo tse ding tsa kwano le dipuo tsa matjhaba di tla kenyeletswa mosebetsing wa ntshetsopele. Sena se tla thusa sepheong se ntlha di pedi sa ho ntshetsa pele tshebediso e sebetsang ya dipuo tse ngata ka lehlakoreng le leng, le ho matlafatsa dikamano tsa matjhaba le tshebediso ka lehlakoreng le leng. Maikemisetso a sehlooho ba Ditsha tsena e tla ba ho fetola tjhadimo tse keneletseng tse mabapi le dipuo tsa kwano tjhadimo tse tiisang ditlwaelo le mehopolo ya tlhokeho ya tekano (ka lebaka la kgaello kapa boleng ba moruo o fokolang wa dipuo tsena). Ka ho etsa merero kapa diprojeke tsa puo tse nang le molemo o bonwang ka pele setjhabeng se batsi, Ditsha tsa Diphuputso di tla kgona ho kenya letsoho ka ho otloloha sepheong se batsi sa ho tlisa diphetoho, ka ho qoholleha kahong ya setjhaba le ho etsetsa baahi bohle tjhelete?
Ditsha tsena e tla ba mokokotlo wa Dibopeho tsa Motheo wa institjhushene e hlokehang katlehisong ya phethahatso ya Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo ha mmoho le melao kaofela e amehang, haholo boemong ba provense. Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) ka tshebedisano le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ha mmoho le mafapha a bonono le setho diprovenseng, e tla netefatsa hore tshebedisano le kgokahano ya mesebetsi kaofela e reretsweng ho tshehetsa le ho kenya letsoho phethahatsong ya leano la dipuo tse ngata naheng yohle. Kgopolo ke hore baamehi kaofela ba tla amohela boikarabelo mmoho ba ho hlokomela phethahatso ya diphuputso tse makalakala le lenaneo la ntshetsopele tse reretsweng ho fihlela boemo bo hodimo ba dipuo tse ngata ka mokgwa o sa bakeng ditshenyehelo nakong e kgutshwanyane ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ditsha tsena tse hlonngweng diinstitjhusheneng tsa thuto e phahameng di tla fola molemo bokgoning le tsebong e seng e ntse e le teng diinstitjhusheneng tse fapaneng. Di tla bopa le marangrang a bohlokwa le ditheo tse ikemetseng tse nang le boikemisetso le sepheo se tshwanang tse motjheng wa dintlha tsa bohlokwa tsa Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo (NLPF).
Ho eletsa mananeong a tla hohela baithuti ba bangata ho ithuta dipuo tsa Maafrika, ka ho bontsha menyetla e hlakileng ya mesebetsi, ho kenyeleditswe le menyetla ya thupelo ya boitsebelo?
Nyehelo ntshetsopeleng ya boitsebelo le bokgoni ba puo dipuong tse ding tsa matjhaba ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba kgone ho kena ka mokgwa o nang le moelelo mekgatlong ya lebatowa le ya matjhaba e tshwanang le SADC, AU, NEPAD, UNESCO, jwalo jwalo molemong wa tshebedisano e batsi le dilekane tse seng di ile tsa tlabolwa nakong e fetileng.
Ho hlakile hore bonamo ba mosebetsi wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo bo batsi, bo hloka moralo o hlokolosi le Dibopeho tsa Motheo ya mehlodi e tla dumella kgolo le katoloso, ha nako e ntse e tswela pele. Ka boinyalanyo le dipehelano tse entsweng Molaong wa motheo mabapi le dipuo tsa molao tsa kwano, ho tla thehwa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo tse robong. Hona ho bolela hore setsha se se seng le se seng se tla abelwa ntshetsopele ya puo ya kwano ya molao e le nngwe. Setsha se seng le se seng sa puo se tla ba le diyuniti tse nyenyane tse nang le bokgoni ba ho nyalanya boikemisetso le mesebetsi ya setsha. Ditsha di tla hlongwa diinstitjhusheneng tse neng di ntse di le ka mosing (di-HDI) tsa thuto e phahameng ka diphapano tse itseng moo ho hlokahalang teng. Kgopolo ke hore mmuso o tla ba le selekane se itseng le diinstitjhushene tseo ho hlonngweng Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho tsona.
Tjhadimo ya bohlokwa ditlhophisong tsa ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ke hore ho qojwe phetapheto ya mesebetsi ka ditsela tsohle. Mesebetsi ya tsona e tla ba ho tlatseletsa feela e seng e ile ya etswa kaekae. Karolo ya bo-6 ka tlase e fupere ditaba tse keneletseng tse ileng tsa tshohlwa.
Mehatong e qalang ya ditlhoko tsa motheo tsa Setsha e tla ba tse boemong bo tlase ka mokgwa wa boikokobetso. Moifong wa basebetsi, monyetla o entsweng mona ka tlase o nkuwa e le wa bohlokwa wa motheo wa mantlha o etsang hore ho simollwe ka mosebetsi.
Ofisi/tshehetso ya tsamaiso.
Ho feta mona, ho tla hlokeha sebaka sa ofisi le thepa e sebediswang.
Molaodi o tla ikarabella tsamaisong ya ka mehla ha mmoho le tshebetsong ya Setsha sena. Molaodi o tla tlalehela Komiti ya Tsamaiso ya Setsha e bopilweng ka Mongodisi wa tsa Thuto (Academic Registrar), Hloho ya Lefapha kapa ya Sekolo sa Dipuo tsa Maafrika; Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete (wa institjhushene eo), setho sa Senate kapa sa Khansele, morupedi a le mong e moholo kapa le profesa e le nngwe e tswang Sekolong sa Dipuo kapa Fakalthing ya dithuto tsa Bonono (Arts) kapa tsa dithuto tsa Botho (Humanities) ha mmoho le ho Hloho ya Yuniti ya Puo ya Provense. Komiti ya Tsamaiso ya Setsha e tla ikarabella Komiting ya Naha ya Boeletsi. Komiti ena e tla ba le baemedi ba tswang Lefapheng la Bonono le setho, PanSALB, SABC, Lefapheng la Dikgokahano, le baemedi ba tswang mafapheng (diyuniting tsa puo) a mmuso wa naha le wa provense. Lefapha la Bonono le Setho e tla ba lona leo e bang modulasetulo dikopanong tsa Komiti mme le sebetse jwalo ka bongodi Komiting ya Naha ya Boeletsi (NACO).
Leano le tsepamisa hore diyuniti tsa puo di tla hlongwa mafapheng ohle a naha le provenseng e nngwe le e nngwe ho tse robong, haholoholo mafapheng a ikarabellang ho tsa bonono le setho. Makgotleng a etsang melao a diprovense ho na le di Hansard tse fanang ka ditshebeletso tsa puo. Lekgotla la Naha la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PansSALB) le se le ile la theha dibopeho tse ding tse kang Komiti ya Puo Provenseng (PLCs), Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs) le Makgotla a Naha a Puo (NLBs). Setsha sena mesebetsing yohle ya sona, se tla netefatsa hore ho na le tshebedisano le tsena tsohle ha mmoho le dibopeho tse amehang.
Kameho ya Hlooho ya Yuniti ya Puo ya Provense ho Komiti ya Tsamaiso ya Setsha ke ya bohlokwa ho netefatsa hore Balekgotla ba Phethahatso diprovenseng ba tseba ka ho phethahala ka mesebetsi ya Setsha le hore ditabatabelo tsa provense le dintlha tse lokelang ho fetisetswa pele di behilwe ka sehlohlolong Setsheng sena. Balaodi ba Ditsha tsena ba tla dula ba tlalehela Foramo ya Naha ya Puo eleng moifo wa boemedi wa baamehi o thehilweng ka mafapha a diprovense le a mmuso wa naha ha mmoho le baemedi ba PanSALB. Moifo ona o eletsa Komiti ya Tshebetso le ya Matona (MINMEC) ka ditaba tsohle tsa leano la puo le phethahatso ya tsona.
Ditsha tsena e tla ba tsa bohlokwa haholo mosebetsing wa diphuputso tsohle tsa puo le mosebetsing wa ntshetsopele ka ho arabela ditlhoko tsa ditjhaba tse fapafapaneng, ha nakong yona eo di tla be di thusa le mafapha a mmuso ka disebediswa tse hlokehang tsa puo hore leano le phethahatswe ka katleho. Tjhadimong ya hore mafapha a mmuso a diprovense a ikarabella phethahatsong ya leano, ho a hlokeha ho lemoha hore diyuniti tsa puo mmusong di ke ke tsa ba le bokgoni, mahlale le boitsebelo ba ho ntshetsa pele dihlahiswa le disebediswa tse hlokehang molemong wa ho sebeletsa dipuo tsa mmuso tse 11. Lefatsheng ka bophara, seabo sa diyunivesithi ka ho ikgetha esale se amohetswe e le ho tshehehetsa ntshetsopele ya puo le ho thusa ka disebediswa tse hlokwang ke mmuso tsa phethahatso ya leano. Lebala la tshebetso ka lebaka le jwalo le tla akaretsa le ho tsepamisa maikutlo ntlafatsong ya puo, paballong ya lefa, ya dikgale, le dimusiamo, mananeo a ho fihlella batho, diphuputso le ho theha bokgoni bo hlokehang.
Jwalo ka makala ohle a tshebetso, lehlakore la puo le batla moifo wa basebetsi ba puo ba rupeletsweng hantle lethathameng le batsi la mahlale, tsebo le boitsebelo. Ntlha ya bohlokwa mona ke thupelo ya thuto ya basebetsi ba puo ba lokelang ho tswa mophatong wa thupelo ba na le tsebo e ikgethang makaleng a fapafapaneng, mohlala, mareo, phetolelo, tlhaloso ka tsela ya botoloki, ho hlaola diphoso le ho ba le tsebo ya theknoloji tsa puo. Ho re ho tle ho hlahiswe ditshebeletso tsa boleng makaleng ana dipuo tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng, ke ntlha ya bohlokwa hore ho atoloswe kaletsa ya tsona ya tsebo le mahlale a basebetsi ba sebetsanang le puo e le hore ho tle ho be le bokgoni bo lekaneng ba ho sebetsana le makala a tsebo ao mohlomong ba neng ba ntse ba kotetswe ho ona ka lebaka la ho haellwa ke boitsebelo kapa ka lebaka la nalane ya pele ho tswalo ya puso ya setjhaba ka setjhaba (demokrasi).
Ka lebaka la tshebediso ya dipuo tsa batho ba kwano ho ntlafatsa tshebeletso eo eleng yona ntlha ya sehlooho ya mmuso, ho ba le keketseho ya tlhokeho ya ditshebeletso tsa diphetolelo, botoloki le ntshetsopele ya mareo. Jwale e tla ba mosebetsi wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho fumana boitsebelo bo jwalo, ho bopa marangrang a tshebetso a ditsebi tse jwalo le ho thusa ka mananeo a tjhoriso ya basebetsi ba puo le ho kenya letsoho mananeong a tlwaelehileng a yunivesithi ho etsa hore dithuto di kgeme ha mmoho le indastri ya puo. Sepheyo ke ho nyalanya boitsebelo, mahlale le tsebo ha mmoho le ditlhoko tsa mosebetsi wa basebetsi ba puo.
Ha mmoho le ho theha bokgoni ba ho netefatsa hore ho na le ditshebeletso tsa boleng tsa puo, Ditsha di tla ba le seabo sa bohlokwa lebaleng la mohopolo wa ntshetsopele ya puo. Morero wa projekte ena ke wa nako e telele o kenyeletsang diphuputso tsa tshebediso ya dipuo tsa kwano ka mabaka a ho fihlela sepheyo sa thuto. Bonamo ba morero ona bo tla qala boemong ba thuto ya praemari, dikolong tsa sekondari ho fihlela thutong ya ka hodimo ho boemo ba matriki, mme diphuputso di tla etsa hore ho be le ntshetsopele ya mehlodi e loketseng ya boithuto le thuto e hlommeng ka pele, tlhahiso ya didikshenari tse ikgethang. Ntshetsopele ya mareo e thehilweng dikaralong tsa bohlokwa tsa kharikhulamo e tla ba yona e hlongwang ka pele ho tsohle. Moo diinstitjhushene di nang le Dithuto tsa Diphatlalatso le Dikgokahano, Setsha se tla lebellwa hore se sebedisane le bona ka mehlodi, haholo mabapi le tlhahiso ya thepa e hatisistsweng, tlhahiso ya dividiyo, thepa ya monyaka e tsamaisanang le thuto, jwalo jwalo. Ditefello tsa Setsha ka mokgwa ona di tla fokotseha habane tlhahiso ya thepa e ka bopa karolo ya merero ya diprojeke tsa baithuti ba maemong a sehlooho kapa ba phethelang?
Ditsha tsena tse hlonngweng diinstitjhusheneng tsa thuto e phahameng, di tla buisana le mafapha a puo a diinstitjhushene tsa moo Ditsha tsena di thehilweng teng mabapi le matsapa a diphuputso tsa puo ao mafapha ana a tshwarahaneng le ona le ao ba rerileng ho kena ho ona ka tshebedisano le Setsha.
Leha ho le jwalo, maikutlo boholo a mesebetsi ya diphuputso tsa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo a tla tsepamiswa diphuputsong tse sebetsang, eleng diprojeke tsa nako e kgutshwanyane tse tla kgema ha mmoho le ditlhoko tse tsebahaditsweng puong e ikgethang. Dipatlisiso tsa diphuputso tse pharaletseng tse hlahlobang tshusumetso ya mananeo ana kapa ha ho hlokeha le tekolo tsa leano di tla etswa.
Merero ya diprojeke tsa diphuputso e tla tsamaelana le ditlhoko tsa setjhaba le tsa mekgatlo ya praevete. Mohlala, diphuputso di ka etsetswa ho tsepamisa dintlha tse hlonngweng ka pele ntshetsopeleng ya mareo. Dipuo tse ding tsa Maafrika tse neng di ntse di kotetswe nakong e fetileng di ka nna tsa ba le tlhoko e potlakileng ya mareo makaleng a kang a temo, moo dipuo tse kgolwanyane tse kang Sezulu mohlomong di seng di na le mareo a ntsheditsweng pele.
Diphuputso tse neng di ka etsetswa mokgatlo wa praevete di ne di tla kenyeletsa dipatlisiso tsa ho fumana ka moo kgwebo tsa praevete di ka bapatsang dihlahiswa tsa tsona ka teng ka mokgwa o ntlafetseng ho feta. Mohlala, Setsha sa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo se ka etsa dipatlisiso ho fumana maemo a tsebo ya ho ngola le ho bala, le mekgwa ya phatlalatso eo boholo ba batho ba habilweng ba kgonang ho e fihlella. Ha ho na le boemo bo phahameng ba kgaello ya tsebo ya ho bala le ho ngola, mmapatsi o tla eletswa hore a bapatse radiyong, mme ka ho qoholleha seteisheneng kapa diteisheneng tse hlwauweng tsa radio.
Mosebetsi wa bohlokwa haholo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo e tla ba ho hloma disiu tsa lesedi la diphuputso. Setsa se seng le se seng se tla bokella lesedi le seng le ntse le le teng kaofela le le amanang le Ditsha tsena tsa puo, le jwalo ka dipalopalo tsa palo ya baahi (disensase), dipatlisiso phatlallong ya puo naheng ka bophara, jwalo jwalo. Disiu tsena tsa lesedi di ka sebedisetswa ho thusa dikopong tse tswang ho basebedisi tse potlaketseng ho fumana lesedi lena, le ho ntshetsa pele dihlahiswa tsa diphuputso tse ka sebedisetswang dipuo tsa setjhaba tse sebeletswang ke Setsha seo, Ditsha tse ding le baamehi ba bang ba puo.
Mohlodi o mong wa bohlokwahadi wa lesedi e tla ba Dipatlisiso tsa Dihlahiswa Kaofela tsa Papatso (AMPS) tse hlahiswang kgafetsa ke Mokgatlo wa Diphuputso tsa Papatso tsa Afrika Borwa (SAARF). Dipatlisiso tsa Dihlahiswa Kaofela tsa Papatso (AMPS) di fana ka lesedi dibopehong kaofela tsa papatso, ho kenyeleditswe radiyo, theleveshene le mekgwa e meng ya elektroniki, diphatlalatso le papatso ya kantle e tshwanang le dibiliboto. Le ha maikutlo mohlomong a tsepamisitswe dihlahisweng tsa kgwebo, lesedi le ka sebedisetswa le merero e meng e fapaneng. Mohlala, lesedi le tswang AMPS le ka romelwa Diyuniting tsa Puo tsa Diprovense (di-PLU) ho bontsha bobatsi ba ka moo puo e itseng e buuwang ka teng kapa e sebediswang ka teng mekgweng ya papatso, mme lesedi lena le ka thusa Diyuniti tsa Puo tsa Diprovense ho hlokomela phethahatso ya leano la puo provenseng le bobatsi ba ka moo mekgatlo ya praevete e tshehetsang leano la puo ka teng.
Disiu tsa lesedi di tla hlokomelwa ka diphuputso tsa puo tse entsweng ke dibopeho tse fapafapaneng tsa phethahatso tsa puo provenseng, bakeng sa merero ya ho hlwela le e jwalo ka tataiso ya diphuputso tse ding tse tswelang pele. Ntle le diphuputso tse ding tse amanang le puo, disiu tsa puo di tla bokellwa diphuputsong tsa botjhaba ba kwano ba Afrika Borwa. Ka lebaka la hobane Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di tla be di amana haholo le diphuputso tsena, di tla kgona le ho boloka lesedi le bokeletsweng la disebediswa tsa diphuputso, mohlala letoto la dipotso tsa diphuputso, meralo ya temoho, maqephe a dipuisano, jwalo jwalo.
Ka kakaretso tlwaelo ya ho bala Afrika Borwa e fokola haholo. Boemo bona bo nyarosa ho feta ha motho a tadima boemo bona ntlheng ya dipuo tsa kwano. Ho ile ha fanwa ka mabaka a mangata a hlalosang bothata bona. Mabaka ana a tloha ho kgaello ya dibuka dilaeborari, kgaello ya dibuka dikolong, ditsha tsa laeborari tse sa fihlelweng ha bobebe kapa tse siyo, maemo a hodimo a batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola, le dibuka tse sa hoheleng le tse sa etseng hore batho ba be le tjantjello ya ho di bala, kgaello ya dikgothatso kapa meputso bakeng sa bangodi, le tabatabelo e shaitsang le tjhadimo e sa kgahliseng mabapi le dipuo tsa Maafrika.
Hobane ke maikemisetso a sehlooho ba Ditsha tsa Puo ho fetola tjhadimo e keneletseng e sa kgahliseng mabapi dipuo tsa kwano, boemo bona bo ke ke ba dumellwa ho ja setsi. Nnete ke hore ho tshwanetse hore ho sebetswe ka thata ho fumana katamelo e mahlakore a mangata e tla rarolla pharela ena. Ho hloleha ho rarolla bothata bona ho tla sitisa le ho thunthetsa haholo phethahatso ya Leano la Naha la Puo. Mohato wa pele wa mehato e lokelang ho nkuwa ke Ditsha tsena tsa puo ke ho theha tshebedisano le mekgatlo ya bangodi le mekgatlo efe kapa efe eo eseng ya mmuso e sebetsanang le mekgatlo ya bangodi kapa bangodi ka bonngwe ba bona. Sepheyo ke ho utlwisisa bokgoni bo teng le ho bo matlafatsa moo ho hlokehang. Dipitso tsa diwekshopo le diseminare tsa bangodi e tla ba tsa bohlokwa haholo tse tla thuso ka boikemisetso bona.
Ka matsholo a temoso a puo, mesebetsi ya bongodi ba dikoranta le yona e lokela ho kgothaletswa. Ditsha di tla lokela ho sebedisana haholo le institjhushene tsa moo ho rutwang dithuto tsa bongodi ba dikoranta, ho netefatsa hore baithuti ba bangata ba nang le boiphihlelo ba mangolo a thuto dipuong tsa Maafrika ba rupelwa ho ngola le ho tlaleha ditaba ka dipuo tsa kwano. Mohlala, ho ya ka moo mekgwa ya ditaba tsa dikgatiso e tsamayang ka teng, dipuong tse robong tsa Maafrika, ke Sezulu feela se nang le dikoranta tse phethahetseng tse phatlalatswang kamehla mona ho buuwa ka Iso Lezwe le Ilanga lase Natala e tswang habedi ka beke. Sexhosa se na le pampitshana ya tlatsetso koranteng ya Senyesemane e tswang letsatsi le letsatsi e phatlalatswang feela Kapa Botjhabela. Pampiri ya tlatsetso ya Sexhosa e hlaha hang ka beke koranteng ya Daily Dispatch le ya Herald. Ho ya ka mehlala ena, ho totobetse hore bongata ba batho ba Afrika Borwa bo sa tsebeng ho bala le ho kgona ho utlwisisa Senyesemane bo hlokiswa monyetla wa ho fumana lesedi la bohlokwa hobane ha ho na dikoranta tse ngotsweng le ho phatlalatswa ka dipuo tsa bona.
Tabeng ya bongodi teng, bangodi ba bangata haholo ba thehile maikutlo a bona phatlalatsong ya bongodi ba dibuka tsa sekolo. Ho na le tlhokeho e kgolo ya hore ho kgothaletswe bongodi dipuong kaofela ka mefuta ya bobadi bo fapaneng. Ka tsela ya kgothaletso boraditaba (SABC ha mmoho le dikoranta) ba ne ba ka kena morerong wa tlhophiso ya ditlhodisano, ka tebello ya hore ketso ena e tla kgothaletsa bangodi le ho feta. Dibuka tse hlotseng kapa diathekele ha mmoho le dithothokiso, jwalo jwalo, di ka hlahiswa mananeong a tshwantshiso tsa theleveshene. Mesebetsi e jwalo e tla etsa hore ho be le tshehetso ya tjhelete Ditsheng tsena, empa e tla ba mohlodi wa bohlokwa wa kuno ho bangodi le dibapadi.
Dikoranta di ka kgothaletswa ho phatlalatsa dikoranta tse ding kapa dikarolo tsa dikoranta ka dipuo tse fetang bonngwe ho netefatsa hore batho ba kgona ho fihlella ditaba tse ngotsweng ka mokgwa o ntlafetseng ho feta. Ditsebiso tsa mmuso ka ho qoholleha di lokela ho etswa ka dipuo kaofela tsa mmuso tse hlwauweng ke diprovense tse fapaneng. Ntho ena e tla hlahisa menyetla e mengata ya mesebetsi ya bafetoledi le bahlaodi ba diphoso ba ithutileng dipuo tsa Maafrika. Ntho ena e tla bontsha le ho fina seledu ha mmuso mosebetsing wa tshebediso ya dipuo tse ngata, haholoholo boemong ba mmuso wa provense le wa puso ya selehae, ka ho tiisa hore lesedi le teng le kgona ho fumanwa ke baahi kaofela ba naha ena. Dikomiti tsa Puo tsa Provense di ka kenya letsoho haholo ka ho netefatsa hore ho na le tshebedisano matsapeng ana. Tebello ke hore mekutu ena e tla phedisa le ho sebedisa makgobonthiti a etswang ke mmuso a ho ntlafatsa ka thuto ya matshweletshwele a batho, boemo ba phedisano le ba moruo wa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing ba phelang diprovenseng tse fapaneng.
Ho ngolwa ha dipale, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele, jwalo jwalo.
Ditsha tsohle di tla hloka hore di be le yuniti e sebetsang ho ngola dipale, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele a Maafrika, jwalo jwalo. Ho ka nna ha hlokeha basebetsi ba thoteng ba tla sebetsa mokobobo ho tsoma batho ba baholo setjhabeng bao eleng disiu tse fupereng thepa e jwalo, le ho ngola ditaba tsa bona molemong wa thuto le wa paballo ya tsona. Mosebetsi ona o lokela hore o potlakelwe ntle le tieho, jwalo ka maele a Maafrika a bolela hore, Kamehla ha ho shwa motho e moholo ho tjha laeborari ya bohlokwa. Naheng ena, ho a swabisa hore nakong ya dilemo tse 10 tsa puso ya setjhaba ka setjhaba (demokrasi) ha ho le ha e le musiamo le o mong to! wa dipuo tsa Maafrika. Sena ke sesupu sa e nngwe ya tshenyo e bakilweng ke bokolone le kgethollo (apartheid). Dintho tsena tsohle Dipale tsa Maafrika, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele, jwalo jwalo, esale e le mekgwa ya sehlooho ya neheletsano ya botjhaba, ditabatabelo, meetlo le ditlwaelo tsa rona ho tloha molokong o mong ho leba ho o mong. Ho thibela hore batho ba kwano ba seke ba lahlehelwa ke boitsebo ba bona ka ho phethahala, ho hlokeha mehato e potlakileng ya ho bokella lesedi lena bathong ba habo rona ba buwang dipuo tse fapaneng?
Ho tla boela ho hlokeha basebetsi ba thoteng hape, ba tla tsomana le batho ba seng ba hodile setjhabeng bao eleng disiu tsa polokelo ya nalane ya rona e sa ngolwang ya neano ya taba. Nalane e jwalo e lokela hore e ithutwe e be e hlaloswe ntle le ho thunthetswa ka ho theolelwa boemong bo tlase ba mofuta ofe kapa ofe, ka lebaka la sebopeho sa yona sa neano ya ditaba. Ka lehlakereng le leng, dibopeho tsa morao tjena tsa neano ya ditaba di lokela hore di ntshetswe pele hobane ke tsona tse fepelang le ho matlafatsa botjhaba ba rona. Taba ya ntshetsopele e ntjha ke e nngwe ya tse ka beng di rarollwa boemong ba thuto ke Ditsha tsena, tseo ha morao motheong wa nako e telele di tla hlokomela ntshetsopele e jwalo ha e ntse e etsahala naheng ka bophara.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa ke hore Ditsha tsena di tla hlokomela le ditaba tsa tokelo ya thuo ya khopi haholoholo dingolweng tsa kgale tsa neano ya ditaba. Bongodi ba ditshomo bo se bo fetohile kgwebo empa ka bomadimabe, ke kgwebo e tlokomang ho batho ba sa buweng dipuo tsa kwano tsa Maafrika. Ntho ena e bakilwe ke hobane ha se babui ba dipuo tsa kwano ba Maafrika kaofela ba tsebang ho ngola, mme haeba ba tseba ho ngola, ditabatabelo tsa kgatiso ke tsa batho ba buwang dipuo tse ding. Se ileng sa etsahala ke hore dipale tse sa ngolwang di ile tsa nkuwa ho babui ba dipuo tsa kwano ba neng ba sa tsebe ho ngola mme ha ho moo ba ileng ba ananelwa jwalo ka mehlodi ya tsebo eo ya bona kapa ba fuwa ditlhapiso tse itseng teng. Tokelo ya thuo ya khopi ya ditshomo tse ileng tsa phatlalatswa e ile ya fuwa batho bao eseng babui ba dipuo tsa kwano. Ke taba ya bohlokwa ke hona hore Ditsha di etse diphuputso ka karolo ena ya tsebo ya rona le ho sebetsa mekgwa ya tokelo ya thuo ya khopi le ditokelo tsa thepa ya mahlale e tla sireletsa mehlodi ena hore e seke ya kotulwa ntle le tshireletso. Tokelo ya khopi e ka dula e le ya matla a molao a Afrika Borwa ka tshebediso ya Ditsha tsa Puo. Molao wa tokelo ya khopi, Molao wa 98 wa selemo sa 1978, le ona o tla tsosoloswa ho tshireletsa mesebetsi ya dingolwa, ya mmino le ya bonono ekasitana le ya dikgatiso tse nang le modumo tsa ditshomo tse phetilweng?
Boikemisetso bo bong ba bohlokwa ba Ditsha tsena ke ho ntshetsa pele le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsa kwano. Mokgwa wa nakong e fetileng wa phedisano, wa moruo ha mmoho le wa dipolotiki ho la Afrika Borwa, ho tloha nakong eo naha ena e neng e buswa ke lequlwana la palo e nyenyane ya makgowa o entse hore dipuo tsa Maafrika di kotelwe haholo mapatlelong a fapafapaneng a setjhaba le ditherisanong. Ka Moralo wa tshebetso o motjha wa Leano la Naha la Puo, mmuso o kgothaleditse ditsela tse fapafapaneng tsa ntlafatso ya boemo le tshebediso ya dipuo tsa kwano. Mosebetsi ona o ka katleha (sitiseha) haholo haeba ditjhaba tse buwang dipuo tsena di hloka seabo ka kotloloho matsapeng a ntshetsopele ya puo.
Bohlokwa ba boleng ba thupelo ya tsebo ya ho bala le ho ngola ho la Afrika Borwa bo ke ke ba toboketswa ho feta. Ditsha di tla simolla ka mananeo a ho fihlella setjhaba ka morero wa ho bonesetsa setjhaba ka tsebo ya ho bala le ho ngola. Thupelo e ka arolwa ka mehato e meraro, i Thupelo ya tsebo ya mantlha ya ho bala le ho ngola, ii Thupelo e bohareng, le iii Thupelo e hatetseng pele ya tsebo ya ho bala le ho ngola.
Ho tla hlokeha tshebedisano e kgolo le lehlakore la Mekgatlo eo eseng ya mmuso (NGO) le lehakore la Lefapha la Thuto la Thuto ya Mantlha ya Ba baholo le Thupelo (ABET). Ditsha di ka thusa tsamaisong ya ditlhahlobo tsa tshusumetso le dipatlisiso tsa kutlwisiso ya boleng ba mananeo a jwalo a thupelo ya tsebo ya ho bala le ho ngola ntlafatsong ya maemo a bophelo ba batho feela ho la Afrika Borwa.
Hobane Ditsha tsa Puo di tla be di hlonngwe institjhusheneng tsa thuto e phahameng, di tla kgona le ho buisana le diinstitjhushene tseo mme ba kopanye matsoho ho fana ka dithuto tsa mantlha tsa puo bathong ba sa tsebeng ho buwa dipuo tsa Maafrika. Ho tshwanelehile hore ho hopolwe le hore tshebediso ya dipuo tsa Maafrika e lokela ho kgothaletswa eseng feela bathong ba Maafrika empa le ho ba Yuropa le Bophirimela, batho ba Asia le batho ba buwang dipuo tse ding ho la Afrika Borwa.
Makgobonthiti ana a tla akofisa ntshetsopele le tshebediso ya dipuo tsa kwano Afrika Borwa le mose ho mawatle, ha ho kgoneha. Mohlala, Amerika e na le maqhama le diyunivesithi tse ding ho la Afrika Borwa ka morero wa ho ntshetsa pele thuto le diphuputso tsa Sezulu. Baithuti ba qeta nako diinstitjhusheneng tsena mme ba kgona ho utlwisisa le botjhaba ba ditjhaba tsena. Mananeo a jwalo a phapanyetsano a ka matlafatswa mme a atoloswa ka mokgwa o nang le sebopeho ho feta.
Ho latela kutlwisiso ya tshebedisano ya lefatshe, Afrika Borwa e ya e fetoha e nngwe ya dinaha tsa bohlokwa ho feta. Ka hoo ke taba ya bohlokwa hore baahi ba Afrika Borwa ba bangata ba ithute le ho bala dipuo tsa dinaha tse ding kapa tsa matjhaba, eseng feela bakeng sa mosebetsi wa ho di toloka kwano empa bakeng sa ho hlahisa menyetla ya mosebetsi e nang le moelelo mose ho mawatle, dibakeng tsa boromuwa ba rona dinaheng tse kantle, tshebedisanong ya mebuso, jwalo jwalo. Lefapha la Ditaba tsa Kantle ke lona feela le rupelang bahlanka dipuong tsa matjhaba, empa kgaello e kgolo ya mahlale a tsebo ya puo mohlala, Lefapheng la Ditaba tsa Lehae; la Kgwebo le di Indastri; la Sesole; la Bothori le Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho. Mananeo a thuto a mangatanyana a lokela hore a fihlellwe ke baahi ba Afrika Borwa mabapi le taba ena mme Ditsha tsena di ka batla mehlodi le botsebi ho etsa hore sena se fihlellwe?
Institjhushene tsa ka hodimo ho boemo ba matriki di tlaleha phokotseho ya palo ya baithuti ba latelang thuto tsa dipuo tsa Maafrika e le tsona tsa sehlooho. Ho leka ho lwantsha sena, Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di ka kenya letsoho ka ho kgothaletsa baithuti ho ithuta dipuo tsa Maafrika ka maikemisetso a ho ikgwantlella ka tsona makaleng a tshebetso a kang a ho ruta puo (ho tloha boemong ba praemari ho fihlela boemong ba thesheari), a diphetolelo le tlhaloso ya botoloki, dithuto tsa dikgokahano (ho kenyeleditswe dipapatso le bongodi ba dikoranta), le dipapadi tsa kalaneng ha mmoho le boithabiso (mohlala. bangodi ba ngolang ditshwantshiso tsa kalaneng, radiyo le ditshwantshiso tsa theleveshene). Hobane institjhushene tsa ka hodimo ho boemo ba matriki di se di ntse di tshwarane le mosebetsi wa ho ruta makala ana le ka lebaka la hobane Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di ke ke tsa kgona ho ruta ka botsona, di ne di tla sebedisana le institjhushene tsena tsa ka hodimo ho boemo ba matriki, ka tshehetso ya ya ditjhelete ya baithuti (dithuso le dibasari) ba batlang ho ithutela makala ana. Ditshehetso tse jwalo tsa ditjhelete di ka hokahanngwa le motheo wa menyetla bakeng sa thupelo tsa ho iphumanela boitsebelo bo tla thusa baithuti ho fumana boitsebelo ba mosebetsi bo hlokehang makaleng ana a kgethilweng mohlomong e ka ba Ditsheng tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo le institjhusheneng tsa ka hodimo ho boemo ba matriki, ka motjha wa bohareng wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo, mererong ya diprojeke tseo motheo wa tsona o leng setjhabeng le karolong ya praevete. Dithuto tse amanang le puo di ka boela tsa kgannela ntshetsopeleng ya thepa ya boithuto le thuto dipuong tsa Maafrika ho matlafatsa thuto dikarolong tse fapafapaneng. Thepa ena e ka boela ya etsetswa thuto thutong tsena.
Dintlheng tse hlonngweng pele ho na le ya ho hloma metheo ya tlhekelo le ya ho tswa letsholo la ho fumana mehlodi e hlokehang ya batho ba sebetsang le ho fumana disebediswa, ho kenyeleditswe le Dibopeho tsa Motheo ya kgokahano le sesiu sa lesedi. Lethathama la diphuputso tsa ho bokeletsa lesedi la pele ho qaleho ya mosebetsi le tla thakgolwa lekaleng la Lefa (Heritage), la Lenaneo la Ntlafatso ya Puo le la ho fihlella Setjhaba. Ditsha di tla tataiswa ke ditherisano tse tla tshwarwa boemong ba diprovense ho tsepamisa dintlha tse hlonngweng ka pele, ditlhoko le ditabatabelo tsa baamehi kaofela, haholoholo pusong ya selehae.
Etsa meralo ya tshebetso ya diphuputso ya dibaka kaofela tse hopotsweng (mekgwa ya boleng le ya palo).
Ntshetsa pele mosebetsi wa thoteng, tlhophollo le tlhaloso ya lesedi.
Ntshetsapele ya merero wa diprojeke tse kgonehang, tse hlalositsweng hantle ho latela nako ya tsona ya ho di phetha, tse qaqisitsweng hantle moo ho kenyeleditseng le ditjeho.
Hlahisa merero ya diprojeke Lefapheng la Bonono le Setho hore e behellwe ka pele, e ananelwe, e be e tshehetswe ka ditjhelete.
Akofisa mosebetsi wa ntshetsopele ya mareo o seng o ntse o le motjheng.
Nako ke ntho ya bohlokwa haholo mabapi le seabo sa Ditsha tsena.
Atolosa Dibopeho tsa Motheo ya Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho latela ditlhoko tsa projeke jwalo ka ha e ananetswe ke DAC le PanSALB.
Batla tshehetso le tshehetso ya tjhelete bakeng sa ho atolosetsa merero ya diprojeke tsena dibakeng tse ding tsa diprovense.
Ntshetsa pele sesiu se batsi sa lesedi le ntlafatso ha mmoho le ntshetsopele ya mosebetsi. Sesiu sena sa lesedi se tla sebediswa le ke balekane ba bang bao ho bonahalang hore ba tla ba teng ba kang mafapha a mmuso, baetapele ba setjhaba, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso (NGOs), le institjhushene tse ding. Ho bonelwa pele hore sesiu sa lesedi le jwalo e tla ba sa bohlokwa haholo bakeng sa diphuputso tse ding, mohopolo wa merero ya diprojeke tse ntjha le ho fana ka lesedi le nepahetseng le ka sebedisetswang ho etsa leano le nang le kutlwisiso boemong ba selehae, qalehong, le boemong ba naha.
Ka metheo ya tlhekelo e tlatseleditsweng le bokgoni bo thehilweng, mesebetsi e tla etswa ka lebelo le leholo le ka mokgwa o motle.
Ho atolosa mesebetsi le diprojeke hore di fihlelle dibakeng tsa mahae. Mona ho tla kenyeletswa le ntshetsopele ya ditsha tse nyenyane tseo ho tla thakgolwa diprojeke tsa sebaka sefe kapa sefe se ikgethang ho tsona le di hlokomela.
MoIemong wa ho tsamaisa le ho hlokomela ditsha tse jwalo tse nyenyane, Ditsha tse kgolo di tla lokela hore di matlafatswe kapa di atoloswe. Sebopeho le bobatsi ba katoloso e jwalo se tla bonahala ha nako e ntse e tsamaya, mme se tla itshetleha sephethong sa diphuputso, lebelong la katleho ya projekte le kananelong e etswang pele ke Lefapha la Bonono le setho le basebetsi ba balekane ba lefapha lena ba diprovenseng.
Bahokahanyi x5 @ R150?
Ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di tla ba le boleng ntshetsopeleng ya sepheo sa molao wa motheo mabapi le ho fihlella maikemisetso a tekano ya dipuo tsa Afrika Borwa. Ditsha di thehilwe hore di thuse ho fetola boemo ba dipuo setjhabeng eleng dipuo tsa batho ba neng ba ntse ba tinngwe menyetla ya dipuo ka tsela e hlodisang dipuo tsena ho ba bohatong bo lekanang le puo ya Senyesemane le ya Afrikanse kapa le dipuo dife kapa dife tse ding tse sebediswang haholo lefatsheng ka bophara, Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo jwalo ka ha di hlahisitswe mona ka hodimo, di tla fela di fetohe mohlodi o kollang wa matlafatso ntle le tikatiko.
<fn>sot_Article_National Language Services_KGOTHALETSO YA PHIHLE.txt</fn>
Dikamano tsa ka ntle le kgokahanyo ya molao (ERPC).
Kgwebisano ya Matjhaba le Ntshetsopele ya Moruo(ITED).?
Karolo ya Taolo ya Kgwebo le Bareki (CCRD)?
Kgwebisano le ho Tsetela Afrika Borwa (TISA)....?
Karolo ya Mekgwa le Ditshebeletso tsa Thuso (GSSSD).
KAROLO YA BAREKI YA HO ITEANYA LE dti?
Ntshetsopele ya molao wa ho fumana lesedi wa 2 wa 2000(Molao) o ile wa kena tshebetsong ka la 9 Hlakubele 2001, ho ileng ha eba le tokelo ya molaotheho ya ho nehwa lesedi lefe kapa lefe le matsohong a mokgatlo wa setjhaba kapa wa poraefete e lokelang ho sireletsa ditokelo dife kapa dife. Moo kopo e etswang ho ya ka molao, mokgatlo oo kopo e etswang ho ona o tlamehile ho nehelana ka lesedi, ntle le moo molao o nehelanang ka hore lesedi le ka kapa le tlamehile ho nehelanwa ka lona?
Molao o rala tsamaiso e hlokehang eo hokelwang ho kopo. Tokomane ena e sebediswa ho theha setso sa ho ba pepenene le boikarabelo ka hara lefapha la kgwebo le indasteri the dti ka ho ba teng ha tokelo ya lesedi le hlokahalang ho sireletsa ditokelo tsa motho kapa tsa mokgatlo. Hore ho tswelliswe puso e loketseng ya mekgatlo ya setjhaba ho bohlokwa ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o fumana thuso le thuto ho utlwisisa tokelo tsa bona ho ya a molao?
Ka mokgwa o lekanyang tokelo eo le ditokelo tse ding, ho kenyelleditse ditokelo tsa botho molaothewong.
Karolo ya 14 ya molao e hloka hore mekgatlo ya setjhaba e bokanye tokomane e tlang ho thusa motho ho fumana lesedi le matsohong a mekgatlo ya setjaba le ho hlalosa dipehelo tseo tokomane e tlamehang ho di hlonepha.
Dti e leka, leha ho le jwalo ho ba pepenene le ho nehelana ka lesedi ka bolokolohi ho matjhaba a kgwebo, bareki le setjhaba ka kakaretso ka mahlasedi, detsebiso, weposaete le ka letsetsa senthareng.
Tokomane ena e nehela mokopi, ho ipiletsa ho molao, ka dintlha tse hlokahalang le ditsamaiso ho fumana lesedi ho tswa ho dti?
Tokomane e leka hape ho nehelana ka boemo, mesebetsi, ditshebeletso le lenane la lesedi la dti ho kgontsha mokopi ho hlwaya ho ba teng ha lesedi le hlokahalang ka kakaretso?
Lequlwana la dti: Khansele ya lefapha la kgwebo le indasteri tse ka bang 40 tsa tekanyetso ya dti di romelwa mekgeng e molaong e kenyelleditseng lequlwana la dti. Khansele ya mekga ya kgwebo le di-indasteri e thehilwe e kenyelleditse boto ya dti, Mookamedi ya ka sehlohong le badulasetulo ba mekga ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ya lequlwana la dti le imatahanya le maikemisetso a lefapha?
Khomishene ya phehisano le kgotla e tswellisa maemo a phehisano, e fuputsa l le ho lokisa diketsahalo tse kgahlano le phehisano, mme e eketsa moruo dimarakeng ho ya ka Molao wa phehisano wa 1998.
E thehilwe ka 1945 mme hajwale e laolwa ke Molao wa Khansele ya dipatlisiso tsa Mahlale wa 1988, Khansele ya Mahlale le Dipatlisiso tsa Di-indasteri e itlamme ho nehelana ka ditharollo tsa thekenoloje le lesedi ho thusa ho ntlha tse ka sehlohong tsa moruo. Maikemisetso a mokgatlo ke aha maemo a tshwanetseng a Afrika Borwa a hlokahalang a thekenoloje, le leho tswellisa le ho ntshetsapele bokgoni ba mahlale le thekenoloji. Khansele e leka kahohle ho etella pele tlhokomediso ya thekenoloje le ho aha dikamano tse matla pakeng tsa mesebetsi le thekenoloje.
Nomoro ya fonofono: (012)841?
Koporasi ya ntshetsopele ya indasteri ke mokga wa ntshetsopele wa tjhelete o taolong ya mmuso o tswellisang tsa kgwebo ka ho aha di-indasteri le dikgwebo tse thehilweng maemong a kgwebo e tsitsitseng.koporasi ena ke ka ha dipehelo tsa Molao wa Koporasi ya Ntshetsopele ya Di-indasteri wa 1940, jwalekaha e fetotswe semolao, le dikarolo tse ding tsa Molao wa dikhampane.
Khula e thehilwe ka 1996, mme e sebetsana le ho etsa bonnete ba ho ba teng ha ho adingwa ha tjhelete le tekano pakeng tsa kgwebo tse nyane, tse mahareng le makala a dikgwebo.
Khula e ngodisitswe jwaleka motshehetsi tlasa Molao wa enshorense mme o buswa ke melawana wa Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete. Letsoho la yona la tiisetso ya keredite le ho hlahlojwa ke motshawara dibuka selemo le selemo jwalekaha ho hlokahala ho ya ka Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhele ho e beha maemong a nepahetseng.
Mokga wa bohokanyi le keletso wa tlhahiso o nehelana ka ditshebeletso tsa tlhahiso, lesedi le ntshetsopele ya kgwebo ka mananeo a tshehetso ho kgwebo tse nyane, tse mahareng le makaleng a dikgwebo.
Letlole la dithuso la naha le Koporasi ya Ntshetsopele ya Di-indasteri e tshehetsa batho ba sa ka ba fumantshwa menyetla ka ho ba le taolo, le tsamaiso ya dithoto tse nang le kuno ho ya ka Molao wa Letlole la dithuso la naha wa 1998.
Boto e laola tsamaiso mesebetsing ya loto ho ya ka Molao wa naha wa loto wa 1997. e kentse tshebetsong lenaneo la naha la loto lemo se fetileng. Lemong tse tharo tse latelang, Boto e ikemisetsa ho theha makala a phepelo le kantoro ya bohareng e nehelanang ka ditjhelete.
Lenane le letjha la dinotahi le fetisitswe ke seboka sa naha nakong ya 1998, empa la romelwa lekgotleng la molaotheho ke mopresidente, ho latela dipotso kaha molaotheho. Lenane le ikemisetsa ho rala industeri ya dinotahi ka ho hlahisa tokomane ya tumello e moralo o mekga e meraro; e thehang komiti ya naha ya keletso ya dinotahi, balaudi ba naha ba dinotahi, lekgotla la naha la boipiletso, balaudi ba robong ba diporofensi ba dinotahi le bahlahlobi ba robong ba boipiletso ba diporofensi; le ho nehelana ka moralo bakeng sa bokgoni le tshehetso, hammoho le ho lokisa maemo a moruo le bophelo.
Ntsika e thehilwe tlasa Molao wa naha wa kgwebo tse nyane wa 1996 jwaleka khampane ya karolo ya 21 ho nehelana ka ditshebeletso tsa tshehetso eseng ya ditjhelete bakeng sa kgwebo tse nyane, tse mahareng le makala a dikgwebo. Ntsika e fana ka thupello, lesedi, bokgoni, ho khansela, dimaraka le thekenoloje.
Biro ya maemo ya Afrika Borwa e laola Molao wa maemo wa 29 wa 1993, e tswellisa maemo le boleng ba taolo di-indastering le kgwebong le tsamaisong ya trade metrology le dikarolwana tse lekanyang. Biro e fana ka tshehetso ho kgwebo tse nyane ka tshebediso ya lefapha la boleng la Afrika Borwa, ho theheng kelotlhoko ya boleng le mekgwa e teng Afrika Borwa?
MORALO LE MESEBETSI YA dti?
boikemisetso ba dti?
Lebaka la dti?
Nehelana ka boetellipele ho moruo wa Afrika Borwa ka ho utliwisiso ya yona ya moruo, tsebo ya yona ya menyetla ya moruo le bokgoni, le ponelopele ya bokamoso.
Sebetsa jwaleka petswamajweng ya diphethoho le ntshetsopele ya moruo le ho arabela diphepetso le menyetla ya baahi ba moruo, le ho tshehetsa maikemisetso a kgolo ya moruo, mesebetsi le tekano.
Arabela diteko le menyetla moruong le setjhabeng.
Lokisa maemo hore a be le batsi, a be le phehisano, le tekano e nang le boikarabelo bakeng sa ho tsetela, le dikgwebo.
Leano la maikemisetso la dti?
Maikemisetso a dti?
Eketsa diphehiso tsa dikgwebo tse nyane ho moruong wa naha GDP?
Ntshetsapele ka ho hlaka boemo ba moruo ba batho batsho.
Eketsa boemo ba ho tsetelwa moruong le dikarolwaneng tse ka sehlohong.
Eketsa menyetla ya dimmaraka bakeng sa ntshetso-ntle ya dithoto le ditshebeletso tsa Afrika Borwa.
Thusa kahong ya maitemohelo, thekenoloje le maemo ao ho ona dikgwebo di ka unang.
Beha moruo bakeng se setle karolwaneng e hodimo e nang le boleng ba tlhahiso e tsebo e batsi le ditshebeletso.
Hlabolla moruo wa bobedi ka ho theha mesebetsi le moruo ka kakaretso wa batho batsho ho hlola mathata a tlala le menyetla.
TISA - Kgwebisano le ho tsetela Afrika Borwa dti?
Mafapha a nang le matla, a nehalanang ka ditshebeletso tsa tshehetso ho dikarolong tsa tshebetso.
Mafapha a ketsa molao, a shebanang le theha maemo a amohelehang moruong.
Mafapha a nehelano ya ditshebeletso, a sebeletsanang ka ho otloloha le dikgwebo le bareki ka dithoto le ditshebeletso.
Lefapha la ho bapatsa, le ikarabellang bakeng sa ho aha lebitso le bapatsa la dithoto tsa dti (manane le dinehelano) le ho etsa bonnete hore dikgwebo tsa lehae le bareki ba utlwisisa ditokelo tsa moruo?
Maikemisetso a dti?
Ho nehelana ka leano la boetillipele ho lefapha le mekga e ikamanyang le tshehetso bakeng sa ho kengwa tshebetsong taelo ya dti?
Ho beha dti jwaleka lentswe le etelletsengpele moruong le ka ditho tse tshehetsang maano a dti?
Ho eketsa le ho atolosa tlhokomediso le phumaneho ya dithoto le ditsheheletso tsa dti?
Ho tshehetsa ntshetsopele ya melao le maano a sebediswang ho hlabolla moruo wa Afrika Borwa ka ho eketsa tshehetso ya HDIs, ho tshehetsa ntshetsopele ya kgwebo, le ho eketsa boleng le ho ba le bokgoni ba moruo?
Ho nehelana maemo a laolang kgwebo a tswellisang phehisano, toka, mmaraka e bulehileng bakeng sa baahi ba moruo ka tjhebisiso ya melao le melawana, hammoho le thuto.
Ho kgothalletsa ho tsetela ka hare ho Afrika Borwa ho ntshetsapele bokgoni ba Afrika Borwa ba ho romela dithoto le dimmaraka le ho nehelana ka leano la tjhebelopele bakeng sa kgolo ya dikarolwana le value-matices?
Ho tswellisa tlhabollo ya moruo wa Afrika Borwa ka ho una ho tseteleng maemong a leaho, ntshetsopele ya human resource, tlhahiso e hokaneng le mesebetsi, ntshetsopele ya kgwebo tse nyane, mabatowa, thekenoloje le ho tshibollo?
Ditshebeletso tseo dti?
Mafapha ohle a dti a entse moralo nakwana o hlalosang ditshehetso tsa lefapha ho fihlelleng maikemisetso a dti. Ditokomane tseo di fumaneha ka dikopo; leha ho le jwalo, ha ho kgonehe ho ka nehelana bokgutshwane ka ha seabo sa mafapha ditokomaneng?
Maikemisetso a ERPC ke ho theha dti jwaleka lentswe le matla moruo ka ho nehelana ka sebaka bakeng sa bohlale badipolotiki ba moruo, qapodiso, le ka tshebedisano ya puso, le ho sebedisana le mmuso hammoho le bao ba na le seabo ho etsa bonnete ba hore molao o sebetse mme tsohle di imatahanye le ona?
ERPC e tla tshehetsa dti?
Eketsa bokgoni ba dti ba ho etsa dipatlisiso ka ha molao le hlahlobo ka ha kgwebo, phehisano le melao ya indasteri?
Hlabolla molao o be le dikamang ka hara dti?
Bohokanyi ba molao (Dikamano tsa ka ntle) Karolo ya kgwebo e leka nonya tshehetso ya metswalle e tshehetsang maikemisetso a dti. Ka manane a radilweng karolo e leka ho hlabolla ho etsa diqeto ka ho nehelana ka lesedi la maemo a hodimo. Hona ho tla hlabolla tsepamo ya molao hara metsawlle le ba nang le seabo lefapheng?
Qapollo ya molao, hlahlobo, qapodiso ya dintlha le ho beha ka tsepamo karolo ya kgwebo ke ka ho hlahloba le ho hlalosa dintla le lesedi, mmoho ho ya ka boleng le ho lekanngwa, ho nehelana temoso ho hlabolla ho ralwa ha molao le fana ka ditshebeletso. Lebaka la qapollo ya molao, hlahlobo, qapodiso ya dintla le tsepamo ya karolo ya kgwebo ke ho nehelana ka ntla ya pele ya hore, ho be le hlahlobo le qapodiso e kenelletseng; ya bobedi, nehelano ya dintla tse nepahetseng tse amohelehang.
Maikemisetso a EIDD ke ho nehelana ka boetellipele ntshetsopeleng ya melao le maano a thehang maemo a dumellang phehisano, tekano le ntshetsopele ya kgwebo.
EIDD e tla thusa dti?
Karolo ya kgebo ya toka le tshehetso e kgontsha ho tlisa tshetso e otlolohileng ya moruo, ka ho nehelana ka melao le meralo molao, maano, le ho kengwa tshebetsong ha meralo. Karolo ya kgwebo e tla shebana le rala melao le maano bakeng sa basebedise ba sa tlaelehang ba moruo mme e tla leka nehelana ka thuso botoneng kapa botshehadi, morabe le mekgatlo le setjhaba ho ya ka dibaka tsa teng.
Maikemisetso a ITED ke ho ntshetsapele dikamano tsa kgwebisano le ho tsetela le meruo e ka sehlohong, lefatshe ka bophara, le ho tswellisa ntshetsopele ya moruo, ka dipuisano tsa ditumellano ya kgwebisano, tshehetso e matla ya mekgwa e lekanang ya dikgwebisano le ho theha dikamano tsa moruo le kontinente ka hare ho moralo wa NEPAD?
ITED e tla thusa dti?
Aha institution e matla ho phetha taelo ya ITED, ka tshebedisano mmoho le mmuso, mekgatlo ya poraefete, le ba nang le seabo ho tswa setjhabeng?
Mosebetsi o moholo wa karolo ya kgwebo ya matjhaba ya taolo ya kgwebisano e tla ba ho laola ditumellano tsa kgwebisano tse qetilweng le metswalle ya bahwebi. Ho lebelletswe hore Motsamaisi Moholo, a tsheheditswe ke basebetsi ba tlatsetso ba tla etella pele karolo ena. Taelo ya pele ya kgwebo e tla ba ho rala tlhaloso ka ha mesebetsi le dikarolwana tsa karolo, ho latele papatso le ho tlatsa dikgeo tsa mesebetsi, hang feela ha moralo o tjhaetswe monwana. Hang feela ha dikgeo tse ka sehlohong di tlatsitswe, moralo o hlakileng wa kgwebo o tla tlameha ho ralwa. Kahoo he, ka ha hona e le karolo e ntjha, e ntseng e tlameha ho thehwa, ha ho kgonehe ho nehelana ka tekanyetso e hlakileng kapa ho hlalosa tekolo ya kotsi kapa tahleho ka nako ena.
Karolo ya ntshetsopele ya kgwebo le kgwebisano ya matjhaba (ITD), jwaleka karolo ya ITED e leka ho theha maqhama a kgwebisano le ho tsetela le mebuso e ka sehlohong, lefatsheng ka bophara, le ho ba le dipuisano tsa ditumellano tsa kgwebisano, le ho tshehetsa mokgwa wa kgwebisano o matla, o nang le tekano. ITD ke karolo ya kgwebo ya ntshetsapele ya molao, e lekang ho rala disebediswa tsa molao bakeng sa ketsahalo tsa moruo bakeng sa ho kenyelletswa ha Afrika Borwa moruong wa lefatshe ho ya maikemisetso a ITED. Maikemisetsa a yona ka hona ke ho theha dipuisano tsa matjhaba tsa tumellano ya kgwebisano maemong a kgwebisano ya lefatshe le ho laola therifi ya Afrika Borwa. ITD e thehilwe ke mafapha a mabedi a bolaodi bo ka sehlohong, le dikamano kgwebisanong ya mekga e mmedi le molao wa kgwebisano le dipuisano?
Sebetsana le ho hlwaya ditshitiso tsa lehlakore la ho fepela mebaraka ya Afrika, le maano a ho a lokisa, ho kenyelleditse ho aheng bokgoni.
Atisa metswalle ya kgwebisano le mebaraka.
Nehelana ka phehiso le kgothaletsa dipuisano ka ha taba ya ntshetsopele ya kontinente ka ho fana ka kaho ya bokgoni dibakeng tsohle.
Thusa dinaha tsa Afrika ka ho hlalosa ho se lekane ha ditumellano tsa kgwebisano, mohlala AGOA.
Nehelana ka boetellipele, tsamaiso ya molao le kgokahanyo ho ba nang le seabo ba Afrika Borwa ho kengweng tshebetsong ha ntlha tse ka sehlohong tsa kgwebisano le ntshetsopele ya moruo ya lenane la NEPAD, Mebaraka e bulehileng, kgwebisano ka hara Afrika le maano a phatlalatso ya dihlaiswa le ditshebeletso?
Kganna kgwebisano le leano la ho tsetela tse reretsweng ho hokanya moruo wa lebatowa.
Maikemisetso a CCRD ke ho theha le ho keya tshebetsong ditharollo tse lepehang, tse nang le moelelo le ho ba pepenene tse nehelanang ka monyetla ho batsetedi, basibolli le bareki le ho nehela molao moelelo le tiisetso, le ditshebeletso tse laolang kgwebo?
CCRD e tla thusa dti?
Karolo ya molao le ketsa molao, e ikarabela bakeng sa ho Kenya tshebetsong le ho shebisisa mekgwa ya taolo dibakeng tsa phehisano, bareki, khampane le taolo ya mahlale aditokelo tsa dithoto hammoho le taolo ya dikgahleho tsa setjhaba. Hlahlobo ya maemo e tla ba karolo ya bohlokwa ya mesebetsi ho shebisisa maemo a ketsa molao le moruo.
Karolo ya ditshebeletso tsa taolo e ikarabela ho aheng bokgoni bo botjha ba lefapha le beha leihlo le ho lekola bokgoni bo teng. Karolo ena e laola mekga e fapaneng ho kenyelleditse le khomishene ya phehisano le lekgotla, boto ya naha ya Gambling, le boto ya naha ya lotto, le khansele ya ditjhelete e nyane e laolang?
Maikemisetso a TEO ke ho kgothaletsa le ho thusa ka ntshetsopele ya kgwebo tse fanang ka phehisano ka ho nehelana ka lehlakore le fepelang ka ditlhapiso.
TEO e tla thusa dti?
Laola lenane la ditlhapiso la dti?
Karolo ya kgwebo ya taolo ya ditlhapiso e ikarabela ho laola dikema tse leshome le motso o mong tse teng lefapheng la mokgatlo wa dikgwebo. Tsona ke lenane la ntshetsopele ya kgwebo tse nyane, tse mahareng (MEDP kaofela ho Tlhahiso le Boeti), Thuso ya ho tsetela ha dinaha disele (FIG), Lenane la tshehetso la bokgoni (SSP), Tjhelete ya phehisano (CF), Tjhelete ya lefapha ya ditho (SPF), Lenane la kgwebo la batho batsho la ntshetsopele la nehelano (BBSDP), Lenane la leano la maemo (SIP), Lenane la maemo a hlokolotsi(CIP), Dizounu tsa ntshetsopele ya indasteri (IDZ) le thuso ya ho tsetela ya papatso ya diya ntle(EMIA).
Karolo ya ntshetsopele e ntjha ya ditlhapiso e ikarabella ho shebisisa ditlhapiso tse teng le ntshetsopele ya ditlhapiso tse ntjha tse tshehetsang leano la dti?
Karolo ya kgwebo ya ntshetsopele ya kgwebo le tlhokomelo ya morao e nehelana ka phumaneho ya ditlhapiso tsa dti ka ho theha le ho tshehetsa dintlha tsa dikgwebo tse thusitsweng ke ditlhapiso tsa dti, le ho eketsa palo ya dikgwebo tse unang ho tswa ditlhapisong ka tsela ya dithekiso ho kgwebo tse nyane kapa dikgwebo tse sa thuswang ke ditsebi, le ho tlatswa ha diforomo tsa kopo kapa tsa ho qosa. E sebedisana le ho eletsa dikwebo tse nyane kaha ntshetsopele ya kgwebo ka ho fumana ditlhapiso?
Maikemisetso a TISA ke ho nehelana ka lesedi le tsela ho mafapha moruong, le ho eketsa maemo a phallo ya moruo le ho ntshetsapele bokgoni ba Afrika Borwa ho romela diya ntle mebarakeng e fapaneng.
Karolo ya kgwebo ya lenane a lefapha le ikgethileng e na le manane a ntsthetsopele ya mafapha a tshehetsang leano la dti la tlhahiso le leano la mmuso la ho fetolwa ha moruo o monyane. Ntshetsopele ya lefapha e amana le ho hlwaya le ho thusa ka ho tlosa ditshitiso ho tswelopele ya lefapha. Hona ho tla etswa ka mokgwa ofe kapa ofe hara taolo ya mmuso, jwaleka ketsamolao, melao le leano la tsamaiso. Kahoo he lebaka la karolo ya kgwebo ke ho etellapele ntshetsopele le ho kenya tshebetsong ya leano la lefapha la dti.
Karolo ya kgwebo ya ntshetsopele ya diya ntle le tswelliso e ikarabela bakeng sa ho tswellisa le ntshetsapele dithoto le ditshebeletso ho kenyelleditse dikeletso tsa ho romela ntle, ho bapisa le mahlale a mmaraka. Karolo ena ya kgwebo e ikemisetsa ho eketsa ho ba le phehisole bokgoni ba dikhampane tsa Afrika Borwa hore di kgone ho romela mebarakeng ya kantle. Thuso e nehelanwang ke ka mokgwa wa tjhelete le ka mokgwa o seng wa tjhelete.
Karolo ya kgwebo ya tswelliso ya ho tsetela le thuso e ikarabela ka ho hohela le ho tswellisa dithoto le ditshebeletso tsa Afrika Borwa, le ho ntshetsapele le ho tswellisa batsetedi le ho hlabolla melao ya mmuso le tsamaiso e hlakisang maemo a Afrika Borwa ho batsetedi.
Maikemisetso a ho bapatsa ke ho tswellisa dihlahiswa le ditshebeletso tsa dti ke matjhaba a moruo ka theho ya lebitso, le phatlalatso ya dihlahiswa le ditshebeletso mme ka tsela ena ho beha dti menahanong ya matjhaba a moruo jwaleka balekane moruong.
Karolo ya kgwebo ya ho bapatsa le phapanyetsano ya lesedi e ikarabela ho rala, ho bontsha tsela le ho laola le dipalopalo tsa tjhelete bakeng sa maano a atlehileng a ho bapatsa le phapanyetsano ya lesedi ho ya ka leano la dti la ho bapatsa le phapanyetsano ya lesedi; ho hokela mesebetsi ya maano a ho bapatsa le phapanyetso ya lesedi ho etsa hore ho be le tsela e lokileng ya ho fapanyetsana lesedi; ho hlabolla lebitso la dti ka ho theha manane a papatso le phapanyetsano ya lesedi; ho theha le ho aha setswalle le ba nang le seabo; ho theha le ho kenya tshebetsong phatlalatso, laola phapanyetsano ya lesedi ka hare ho kgweno le ka ntle; theha le ho kenya tshebetsong leano la matjhaba la papatso le phapanyetsano ya lesedi; kopanya, qapolla le ho buisana ka bohlale ba papatso.
Maikemisetso a GSSSD ke ho rala, ho thusa le ho kenya tshebetsong mekgwa ya taolo ya tshebetso ya dti ho kgontsha mokga wa dti ho nehelana ka maikemisetso a mokgatlo le ho fihlella ketsamolao le ho ikobela molao.
Rala le ho kenya tshebetsong leano la HR?
Ho fokotsa tsamaiso tsa kgwebo ka poresente tse 50 ka ho lokisa tsamaiso, tsebo le tsamaiso ya thekenoloje.
Senthara ya mohlodi wa basebetsi le ho ithuta e ikarabela bakeng sa ho nehelana ka melao ho tsamaiso tshehetso ya ditshebeletso ho basebetsi ba dti le etsa bonnete ba hore maemo a nang le toka, boleng le melao ya boitshwaro. Ho feta moo, karolo ena e shebane le ho etsa bonnete ba hore maemo a loketseng a hlwaiwa, a sebediswa, a ntshetswapele, le ho hodiswa, ho nehelana ka leano.
Kantoro ya letona le ka sehlohong la phapanyetsano ya lesedi le ikarabela bakeng sa ho nehelana ka leano la ditshebeletso ya phapanyetsano ya lesedi ka thekenoloje ho hlabolla mokgatlo le ho tshehetsa leano la mokgatlo la dti.
Taolo ya ho ananela le puso ya kgwebo e ikarabela ka ho nehelana ka ditshebeletso tsa molao ho dti, hammoho le setlamo le ditshebeletso tsa taolo ya tahlehelo. E ikarabela ka ho etsa bonnete ba hore dti mekgwa le tsamaiso e maemo a loketseng a mmuso, le ho etsa bonnete ba hore dti e ikobela le melao le melawana ho ya ditshebeletso tsa setjhaba.
Kantoro ya letona le ka sehlohong la tsamaiso le tshehetsa DDG: GSSSD ka ho nehelana taolo ya ditjhelete le tshehetso ya tsamaiso, taolo ya ho ikobela molao ho ya ka dikarolo tsa dti, taolo le ho lemosa ka ha melao ya tshebetso ya dti, taolo ya sebaka le tshireletso bakeng sa dti.
Karolo ya 10 ya molao e nehelana ka mosebetsi ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ho kopanya lenane tataiso ka maleme a fapaneng a nang le lesedi, ka mokgwa o utlwisisehang jwaleka ha ho hlokeha ke motho ya ratang ho sebedisa tokelo ya hae jwaleka ha ho hlalositswe molaong. Lehlasedi lena le phatlaladitswe ka la 15 Phato 2003. Ho ya ka melao Letona la toka le nehile Khomishine ho fihlela ka la 31 Phato 2004 ho hlahisa lenane tataiso?
Khomishene ya ditokelo tsa botho ya Afrika Borwa.
Hona ho kenyelleditse lesedi ka ha dihlahiswa le maemo a mmaraka le mekgwa ya e lekanyang dihlahiswa. Lehlakore lena la lesedi le kenyelleditse lesedi ka ha mekgatlo e hlahisang kapa e romelang dihlahiswa, non proliferation status of products, mekgwa ya mebaraka ho ya ka dihlahiswa ho ya ka naha, lebatowa le ho ya ka matjhaba, le mabaka a laolang mekgwa?
Hona ho akaretsa lesedi ka ha ditumellano tsa kgwebo pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tsa matjhaba le mekgatlo e meng. Lesedi le ka sehlohong ka ha mokga ona ke ka ha ditumellano pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding le mabatowa a ka ntle, lesedi ka ditumellano tsa dihlahiswa, moruo le mekgwa ya mebaraka le maemo a dihlahiswa bakeng tse ditumellanong.
Hona ho kentse lesedi ka ha ditumello tse nehilweng mekgatlo ke dti. Mefuta e ntshitsweng ke ya thomelo ntle/ ya ho reka ka ntle; ho rekisa jwala le tumello ya ho sebetsana le dihlahiswa tse laolwang tlasa molao wa non proliferation. Lesedi ka ha ditumello ke lesedi la mokgatlo, lesedi ka ha sehlahiswa hammoho le tekanyo ya thomelo ntle/ reka ka ntle ho ya ka sehlahiswa ha ho hlokahala?
Hona ho kenyelleditse ditherifi tsa hajwale le tsa nalane ya theko ya ditswa ntle le ya thomelo ntle ya dihlahiswa. Lesedi ke ka ha ditumellano tsa kgwebo pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding hammoho le dinaha disele.
Lesedi lena ke ka ha ditjhelete le diraporoto ka hara SARS, SARB le dti. Hona ho kenyelleditswe diphapanyetsano tsa diya ntle le ho rekwa ha ditswa ntle ke mekgatlo, phapanyetsano ya ka ntle e tholwa ke mekgatlo bakeng sa ditswa ntle hammoho le VAT le tswala ya mekgatlo e ngodisitsweng?
Karolo ena e sebetsana haholo le lesedi ka ha taolo le ditokomane tsa ka hare tsa dti le mafapha a yona. Mofuta wa lesedi le teng fapheng lena ke meralo ya kgwebo le ditjeho tsa lefapha le ho tlaleha tswelopele, maemo, ditsamaiso le lesedi ka ha molao wa dti.
Taolo ya lesedi la ho iteanya le kenyelletsa lesedi ka ha ba nang le seabo le bareki le setswalle le dikamano tseo dti e nang le tsona. Dikopo, kopo ya maemo le ditlaleho tse hlahisitsweng ke ba nang le seabe kapa bareki e tla ba karolo ya lesedi la ho iteanya.
Hona ho kenyelletsa lesedi la ditjhelete la dti jwaleka ditekanyetso, ditjeho tsa ditjhelete ho ya ka ditekanyetso, le maemo a ditekanyetso tsa ditlhapiso ho ya ka ditlhapiso kapa dithuso tse ntshitsweng ke dti. Lesedi lena le lebisa mekgolong le mesebetsing ya phumaneho. Lesedi la Human resources ke ha mekgolo, leaves, bokgoni le meralo ya ntshetsopele bakeng sa batho hammoho le maikemisetso le ba bang hammoho le mesebetsi ya bona?
Karolo ena e kenyelletsa lesedi ka ha banehelani ba bokgoni le ditshebeletso ho dti hammoho le maemo a dikgwebo kapa batho a BEE. Lesedi lena le ba karolo ya lesedi le fumanehang?
Lena ke lesedi ka ha diqeto tse entsweng le ka baka la ditlamorao ka hara mafapha a dti le dikarolo tsa kgwebo. Mofuta ona wa lesedi o kenyelleditsweng karolong ena ke diphehiso tse amohetsweng, motho eo phehiso e fumanweng ho yena, karolo le batho ba nehetsweng phehiso, letsatsi leo nehelano e entsweng, karabelo le letsatsi leo hona ho etsatseng ka lona.
Hona ke lesedi ka ha manane le diporojeke tse fapaneng ho tswa ntshetsopeleng e thuswang ka ditjhelete ya dti, manane a diketsahalo tse hlophisitsweng ke dti. Hona ho kenyelletsa ho rala, ho etsa ditekanyetso, tse ka fihlellwang le dintlha tse hlakileng.
Dti e laola Melao e mengata ya kgwebo le indasteri, melao le melawana. Ho dima moo, dti e na le direkoto tsa mekotla ka ha kgwebo le indasteri tsa lehae le diketsahalo tsa matjhaba.
Dti e etsa dipatlisiso le dihlahlobo ka baka la melao le qapodiso ya dintlha, ditletlebo tsa bareki le dikopo tsa karolo ya indasteri. Lesedi le bang karolo ya lefapha lena le kenyelletsa mofuta wa patlisiso / hlahlobo, tsamaiso ka mofuta wa patlisiso / hlahlobo, mohlahlobi le tse fihlelletsweng.
Ho na le melao e mengata ka ha kgwebo, indasteri, moruo le mabaka a moruo e qosang hore dti e nke mehato. Melao ena e ya lekolwa le hona ho ntshetswapele kgafetsa mme e theha moralo bakeng sa taolo le lesedi la ditlhapiso.
Dikgwebo tsohle di kgobokantswe ho ya ka mekga ya indasteri le lefapha ho ikamahanya le bohlale ba moruo. Dikgwebo di nehelana ka diraporoto tsa ditjhelete le lekgetho tse sebediswang ho kopanya dintla tsa moruo.
Ba nang le seabo, mohlala.
Jwalekaha molao o laetse tjhelete e kana ka R35.00 e tlameha ho romelwa le kopo ya lesedi haeba ha e tswe ho mokopi.
Letona la lesedi la dti le amohela le ho tiisa kopo ho sheba hore na lesedi le batlahalang le teng dti. Kopo ebe e ya amohelwa, e qhelelwa ka thoko kapa e romelwa ho ba tshwereng lesedi. Kananelo e be e ya romelwa ho mokopi ho hlalosa maemo a kopo.
Haeba kopo e amohetswe, dti e tla bokanyetsa le ho lokisa lesedi le ditjeho. Sheba seratswana sa 8.
Mokopi o tsebiswa ka ho qetwa ha kopo hammoho le tjhelete tse saletseng morao tse tlamehileng ho lefshwa ho dti.
Hang feela ha tefo e fumanwe jwaleka ha ho hlalosetswe mohato wa bone(ho latela tefo e hlalositsweng mohatong wa pele), lesedi le lokollelwa mokopi.
Ha ho na le motho ya batlang ho fumana rekoto e matsohong a dti o tlameha ho tlatsa foromo e ho foromo ya A ya leqephe la B ho ya melawana e kentsweng tshebetsong tlasa molao, e hlahang e le leqepheng la A bukaneng.
Ho hlalosa hore na mokopi o lakatsa ho tsebiswa jwang ka ha qeto e nkilweng ka ha kopo ya rekoto kapa direkoto.
Kopo efe kapa efe e fumanweng e tla sebetswa nakong ya matsatsi a mashome a mararo ka morao ho hore kopo e fumanwe, ntle ha mokopi o hlalositse mabaka a itseng, a tlang ho kgotsofatsa letona la lesedi, hore mabaka a toboketsa hore nako tse boletsweng ha di latelwe. Nako ya matsatsi a mashome a mararo eo ka yona dti e tlamehang ho etsa qeto ho dumela kapa ho qhela ka thoko kopo, e ka eketswa ka nako e sa feteng matsatsi a mashome a mararo haeba kopo e ke ya palo e kgolo ya lesedi kapa kopo e hloka hore lesedi le batlwe ho tswa kantorong engwe ya mokgatlo mme lesedi le ke ke la fumaneha ka matsatsi a mashome a mararo a pele. Dti e tla ngolla le ho tsebisa mokopi haeba koketso e hlokwa.
Haeba kopo e entswe bitsong la motho e mong, mokopi o tlameha ho nehelana ka bopaki ba hore mokopi o etsa kopo e tlang ho kgotsofatsa letona la lesedi.
Haeba ho na le motho ya sa kgoneng ho tlatsa foromo kahoba a sa ruteha kapa a qhwadile, motho ya jwalo a etsa kopo ka molomo. Letona la lesedi le tla fokotsa kopo ya molomo ka ho tlatsa foromole ho nehelana ka copy ho mokopi?
Tjhelete ya ho fumana lesedi, e sebetswang ka ho ela hloko ditefo tsa ho hlahisa, ho batla le nako ya ho lokisa le ditjeho hammoho le ditjeho tsa ho posa.
Haeba ho batlwa ha rekoto e entswe le ho lokiswa ha rekoto bakeng sa phatlalatso, ho kenyelleditse tlhopiso ho etsa hore e be teng foromong ya kopo e hloka nako e fetang e hlalositsweng molaong, letona la lesedi le tla tsebisa mokopi ho lefa karolwana ya tefo ya ho fumana lesedi e tlang ho lefshwa haeba ho nehelanwe ka kopo.
Letona la lesedi le tla tshwara rekoto hofihlela mokopi a lefile ditjeho jwalekaha ho hlalositswe ho karolo ya 8.2.1.
Mokopi eo kopo ya hae ya ho fumana rekoto e dumetsweng, o tlameha ho lefa ditjeho tsa ho hlahisa le ho batla le ho lokisa mme ka nako e dumelang e fetang dihora ho batla le ho lokisa rekoto bakeng sa phatlalatsa ho kenyelleditse dihlophiso ho etsa hore e be teng foromong ya kopo.
Haeba peheletso e lefilwe, ya ho fumana rekoto e qhelelwa ka thoko, jwale letona la lesedi le tla lefa mokopi peheletso ya hae.
Ditefello tse lefshwang ke mokopi ho ya ka molao wa 7 ke tse latelang?
Ditjeho tsa ho romela di tlamehile ho lefshwa ha khopi ya rekoto e tlameha ho romelwa ho mokopi. Ditjeho tsa ho romela di ya ka therifi ho ya sebaka.
Lesedi kaha ditjhelete, commercial?
Lesedi, haeba le hlahiswa, le ka beha institution?
Ho ya ka tumello ya nehelano ka foromo e sele e seng ya kopo.
Motho wa boraro a ka ipiletsa kgahlano le qeto ya letona la lesedi la mokgatlo wa setjhaba ho nehelana ka tumello ya ho nehelo.
Haeba boipiletso bo etswa ka morao ho hore nako e boletsweng e fetile, boramolao ba tlameha ho amohala boipiletso boo ho nehelanweng ka bona ba maikemisetso a lokileng.
Haeba ya ka sehlohong ba hanela ho nehelwa ka morao ha nako ha boipiletso o tlameha ho nehelana ka tsebiso ya qeto ho motho ya entseng boipiletso.
Mokopi ya entseng boiletso kgahlano le ho qhelelwa ka thoko ha kopo ya hae o tlameha ho lefa tefo ya boipiletso (haeba e le teng).
Haeba tefo ya boipiletso e tlameha ho lefshwa ka ha boipiletso, qeto e ka emiswa nakwana ho fihlela tefo e etswa.
Haeba boipiletso bo le kgahlano le ho qhelelwa ka thoko kapa ho dumela ho nehelwa, lebitso, aterese ya poso, nomoro ya fonofono le nomoro ya fekese le aterese ya lengolo ka leketeroniki ho se natse se teng sa motho wa boraro hono ho tlameha hlahiswa kopong.
Peheletso(efe kapa efe): R.
Tefo ya phumano: R.
B. Dintlha tsa motho ya kopang ho fumana rekoto a Dintlha tsa motho ya kopang ho fumana rekoto di tlameha nehelanwa ka tsona tlase.
b Aterese le / kapa nomoro ya fekese ka hara Rephaboliki moo lesedi le tlamehang ho ya teng di tlameha fanwa ka tsona.
c Bopaki ba maemo boo kopo e etswan haeba ho hlokeha bo tlameha nehelanwa ka bona.
Mabitso ka botlalo le sefane:...
Nomoro ya boitsebiso:.
Aterese ya poso:..?
Aterese ya lengolo ka leketeroniki:.
Karolo ena e tlameha ho tlatswa FEELA haeba kopo bakeng sa lesedi e etswa bitsong la motho e mong.
Nomoro ya boitsebiso:.
D. Dintlha tsa rekoto a Nehelana ka dintlha tsa rekoto eo kopo etsetswang ho kenyelleditse nomoro ya referense haeba hono ho a tsebahala ho wena ho etsa hore rekoto e fumanehe.
b Haeba sebaka se sa lekana, ka kopo tswelapele foliong e ka thoko mme o e kopanye foromong ena.
Tlhaloso ya rekoto kapa karolo ya rekoto:.
E. Ditefello a Kopo bakeng sa ho fumana rekoto, ntle le rekoto e nang le lesedi kaha mekgatlo e tla lokiswa ha feela tefello ya kopo e lefilwe.
b O tla tsebiswa ka tefo e hlokwang ho lefshwa jwaleka tefo ya kopo.
c Tefello e lefshwang ya ho fumana rekoto e ho ya ka foromo eo e hlokahalang le nako e hlokahalang ho batlana le ho lokisa rekoto.
Haeba o kgoreletseha ka baka la ho se kgone ho bala, ho sheba kapa ho mamela rekoto eo ho nehelanweng ka yona ho 1 ho ya ho 4 tlase, hlalosa boqhwala ba hao mme o hlalose hore na rekoto e batlahala ka foromo e jwang.
Hlwaya lebokose ka x.
a Ho latela kopo bakeng sa ho fumana rekoto ho tswa foromong eo rekoto e leng teng b Ho fumana rekoto ho foromo ya kopo e ka qhelelwa ka thoko mabakeng a mang. Ka tsela e jwalo o tla tsebiswa haeba kopo e tla dumellwa ka foromo e ngwe.
c Tefello e lefshwang bakeng sa ho fumana rekoto, haeba efe kapa efe e tla ba ho ya ka foromo eo kopo e etswang.
Haeba rekoto e na le ditshwantsho hona ho kenyelletsa dinepe, diselaete, kgatiso ya ditshwantsho, ditshwantsho tsa khompiyuta, meralo, jwalojwalo?
Haeba o kopile khopi kapa kgatiso ya rekoto (e hodim), a o lakatsa hore khopi kapa kgatiso e romelwe ka poso?
Hlokomela hore haeba rekoto ha e teng ka leleme leo o le batlang, kopo ya hao e ka nehelwa ka leleme leo rekoto e leng ka lona.
O tla rata ho fumana rekoto ka leleme lefe?
O tla tsebiswa ka ho ngollwa ha kopo ya hao e amohetswe / e qheletswe ka thoko. Haeba o rata ho tsebiswa ka mokgwa o mong, ka kopo hlalosa mokgwa mme o nehelane ka dintlha ho etsa hore kopo ya hao e ananelwe.
O tla rata ho tsebiswa jwang ka qeto e nkilweng ka ha kopo ya hao ya rekoto?
Saena mona ..letsatsi la..20..
Etsetswang bitsong la hae.
B. Dintlha tsa mokopi / motho wa boraro ya etsang boipiletso a Dintlha tsa motho ya etsang boipiletso di tlamehile ho nehelanwa ka tsona tlase.
b Bopaki ba maemo ao boipiletso bo etswang haeba ho kgoneha, bo tlamehile ho kopanywa.
Nomoro ya boitsebiso:.
Aterese ya poso:.
Nomoro ya fekese:...
Lengolo ka leketeroniki:...
Karolo ena e tlamehile ho tlatswa FEELA ha motho wa boraro(ntle ho mokopi) a etsa boipiletso.
Nomoro ya boitsebiso:.
Qeto ho dumella kopo ho nehelana ka raporoto.
Haeba sebaka se teng se sa anela, ka kopo tswella foliong e ka thoko mme o e kopanye foromong ena.
O tla tsebiswa ka ho ngollwa ka ha qeto ka boipiletso ba hao. Ebang o rata ho tsebiswa ka mokgwa o mong, ka kopo hlalosa mme o nehelane ka ditlha ho kgontsha ho thuswa ho ya ka kopo ya hao.
E saenwe: ka la :20..
Boipiletso bo nang le mabaka bakeng sa qeto ya letona la lesedi/motlatsa letona la lesedi le, haeba kgoneha, dintlha tsa motho ofe kapa ofe wa boraro eo kapa eo rekoto e lebisang ho yena, e nehelanweng ke letona la lesedi/motlatsa letona la lesedi ka la (letsatsi) ho ba ka sehlohong.
Ka ho saena Leqephe lena la taolo, ke netefatsa hore ke amohela Phetolelo ya 0.
Phetolelo ya 0.
Phetolelo ya 0.
Phetolelo ya 0.
<fn>sot_Article_National Language Services_KHANSELE YA THEO YA M.txt</fn>
Hela mathaka, na le ya hokae?
Pietersburg! Le lahlehile, lona le lokela ho ba Boemafofane ba Matjhaba ba Johannesburg. Pietersburg e setseng eo nna ke e tsebang e mane Russia..empa he, nna ke ya Polokwane!
Tjhe, butle ..le rona re ya Polokwane!
Atjhe! Banna. Mmuso ona o ntse o fetolaka le mabitso a dibaka ntle le lebaka. Kgele! Ke batlile ke fetwa ke lift ka baka la dintho tsena! Ha ke di rate ho hang!
Naha ena e hloka tjhelete ya ho haha matlo le ho lwantsha Aids, empa re ntse re tebela bahahlaudi naheng ya rona, le ha re sa tsebe moo re yang!
Le teng, ke bomang batho bana ba fetolang mabitso a naha ya habo rona!
Mamela monna. Ho fetolwa ha mabitso ha se feela ntho e mabapi le ho fumana lift e tla ho beha moo o yang. Ho mabapi le ho bapatsa naha ya habo rona, nalane ya rona le mafa a setjhaba sa habo rona.
Na re ka rekisa jwang naha ya habo rona, matjhabeng ha re sebedisa mabitso a nkuweng dinaheng tse ding a tliswa ho rona.
Re lokela ho etsa hore ho be le tjheseho e ntjha naheng ya habo rona, re bontshe boitsebiso ba sebele ba rona. Re lokela ho bolella dinaha tsa matjhaba hore rona re bo mang!
Helang, Ho lekane!
Ho ngolwa hape hwa mabitso a dibaka ka mokgwa o tshwanetseng ke ntho e amang maikutlo haholo, na ha ho jwalo?
Nka, sheba ka mona ka hara bukana ena, hang ho ba o qete, re tla buisana ka sehlooho sena. Re sa na le tsela e telele eo re lokelang ho e tsamaya! Ka hoo o na le nako e ngata ya ho e bala.
Ke mabitso a dibopeho tse lefatsheng tseo e leng tsa hlaho, kapa tse entsweng, kapa tse fetotsweng ke batho, mme di ka ba le batho kapa tsa se be le batho.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e hlonngwe ka Molao wa Theo ya Mabitso a Dibaka wa Afrika Borwa (wa nomoro ya 111 wa 1998) jwalo ka mokga o tla ba le boikarabelo ba ho ngola mabitso a dibaka ka tshwanelo mona Afrika Borwa. Yona e bopilwe ka Letona la Bonono le Setho.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e bopilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, dipuo tsa semmuso le nalane ya setso, ekasitana le moemedi ya mong ho tswa provenseng ka nngwe le baemedi ba Lekala le ka Sehloohong la Disavei le Mmapa (Chief Directorate of Surveys and Mapping), Poso ya Afrika Borwa le Boto ya Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa le ditheo tse ding tse tshwanetseng.
Lekala la Tsamaiso la Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa le sebetsa ka Dikomiti tsa Diprovense tsa Theo ya Mabitso a Dibaka, mme boemong ba selehae le sebetsa ka Dikomiti tsa Selehae le tsa Ditereke.
O lokela ho ba boemong ba ho ka kgona ho fihlela dibopeho tsena sebakeng sa heno.
Ho e beha feela ha bobebe, ke mabitso a dibopeho tsohle tse leng teng ka hara naha.
Ao, ke mabitso a semolao.
Mohlala, lebitso la naha, mabitso a diprovense le mabitso a makgotla a metse, ekasitana le dibopeho tse leng ka tlasa taolo ya makgotla a metse tse jwalo ka diterata, meaho ya bomasepala, diskwere, diphaka, mabitla.
E be ho ba le meaho le dipolasi tsa poraefete.
Mme hape le mabitso a ditikoloho tse sebedisetswang ho ngodisa ho ba monga mobu, a tsejwang ka mabitso a Cadastral.
Leha ho le jwalo, mabitso ohle a semolao a lokela ho tsamaelana le maano a ho reella mabitso a Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa.
Batho ba na le ho neha dibaka tse fapaneng lebitso le le leng, kapa ka nako e nngwe mabitso a dume ka ho tshwana, kapa, mopeleto wa sebaka se seng o atamela haholo ho wa sebaka se seng hape.
Mme he, naheng e sebedisang dipuo tse ngata e jwalo ka Afrika Borwa, dibaka hangata di ba le mabitso a fetang le le leng.
Hona hohle ho baka tlhokeho ya kutlwisiso le pherekano. Bakeng sa ho qoba hona, lefatsheng lohle mabitso a dibaka a ntse a ngolwa hape ka mokgwa o tshwanetseng ke mekga ya taolo.
Ho bohlokwa ho ngola mabitso a dibaka hape ka mokgwa o tshwanetseng bakeng sa ho tiisetsa nalane ya naha le tjhebahalo ya yona, le bakeng sa kgwebo le kgwebisano, dipalangwang, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, ditshebeletso tsa kahisano, saense le thekenoloji, dikgetho le palo ya batho, bohahlaudi, taolo ya dikodua le mesebetsi ya ho fuputsa le ho pholosa.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e amohela dikopo tsohle hore di romelwe ho ya tjhaelwa monwana jwalo ka mabitso a dibaka tlasa taolo ya tsona, mme e be e etsa bonnete ba hore ho ba le ditherisano tse tshwanetseng, le hore lebitso le fihlela ditlhoko tsa Khansele ka hohlehohle.
Khansele ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Afrika Borwa e etsa qeto ya makgaola kgang ka sebopeho kapa dibopeho tsa mabitso e be e eletsa Letona.
Hang ho ba lebitso le tjhaelwe monwana ke Letona, lebitso leo le tla be le se le ngolwa ka mokgwa o tshwanetseng.
Ka mora moo le tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso ho ba la semmuso e be le tsebiswa ka bophara, mme la sebediswa.
Khansele e kopana ka makgetlo a mane ka selemo. E re ka ha hangata tieho e bakwa ke dintlha tse sa fellang kapa tse fosahetseng foromong ya kopo, bakopi ba lokela ho lemoha hore ho ngolwa ka mokgwa o tshwanetseng ha mabitso a dibaka, ke mosebetsi o nkang nako e telele.
Ka nako eo ho rerwang ka yona, ho tshwanetswe hore ho etswe ditlhophiso bakeng sa nako ya ho leta e ka etsang bonyane dikgwedi tse tharo, mme ho elwe hloko hore foromo ya kopo e tlatswe ka nepahalo ho thibela tieho e nngwe hape e tla nka nako e telele.
Motho e mong le e mong a ka fumana foromo ya kopo ho tswa websaeteng (Lefapha la Bonono le Setho) e leng www.dac.gov.za boemong ba naha, diofising tsa diprovense le tsa selehae tse sebetsanang le mabitso a dibaka, kapa, o ka etsa kopo ka ho sebedisa poso ya elektroniki ka ho kena ho www.sagns.gov.za.
Pele o tlatsa foromo ya kopo o lokela ho nahana ka hloko mme o qobe?
Ka kakaretso, mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokelwa ho qojwa.
Dintho le dibaka tse reelletsweng ka mabitso a motho/batho di lokela ho lekanngwa le maemo a motho/batho bao. Mohlala, ho reellwa ntho e sa hlakang ka motho wa bohlokwa setjhabeng.
Mme, hape, ho lokelwa ho fumanwa tumello e ngotsweng fatshe, moo ho kgonehang, ho tswa mothong eo kapa ho ba lelapa la hae kapa bajalefa ba hao, pele lebitso la motho eo le ka sebediswa.
Ho lokile, nna ke tla thinya mona, Polokwane e ka ba dikilometara tse 15 ho tloha mona.
Le tsamaye hantle, le natefelwe ke sebaka sena?
Hela .. Re leboha ho re palamisa.
Ee ! Re a leboha Tsamaya hantle?
<fn>sot_Article_National Language Services_KOPO YA SEHLOPHA 1.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_KOPO YA SEHLOPHA 2.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_KOPO YA SENONO SE (1).txt</fn>
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_KOPO YA SENONO SE LE.txt</fn>
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_KUTLWISISO YA ATERAET.txt</fn>
Lenonyeletso ke karolo mmeleng moo lesapo le leng le tsamayang hodima le leng. Masapo ana a mabedi a tshwerwe mmoho ke mesifa e bolokang manonyeletso a le sebakeng sa wona nakong eo mesifa e lelefalang le ho kgutsufala ho etsa hore lenonyeletso le tsamaye.
Dintlha tse mafellong a mesifa di ba nyenyane mme di etsa dithendone tse kenellang masapong.
Dintlheng tsa masapo ho na le lera la lefufuru. Lefufuru le teng ka hara lenonyeletso. Lefufuru le thibela hore masapo a hohlane mme le sebetsa jwalo ka seamohedi sa tshisinyeho ya tshohanyetso.
Sebaka se ka hara lenonyeletso ke sekoti sa lenonyeletso se nang le lero la manonyeletso. Lero lena le loetsa lenonyeletso mme le fana ka diotli ho lenonyeletso le lefufuru.
Motsamao wa lenonyeletso o etsahala ha mosifa o honyela, o hula thendone, mme yona e tsamaisa masapo ana a mabedi ho atamelana kapa ho arohana.
Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya ATERAETISI. Ho na le mafu a fetang a lekgolo a fapaneng a ka bakang ateraetisi.
RA ke lefu la ho ya ho ile le ka amang mmele kaofela ka boikutlo ba kakaretso ba ho se phele hantle. Matshwao a ka sehloohong ke ho ruruha, bofubedu, ho futhumala le mahlaba manonyeletsong. RA e atisa ho hlokomeleha lekgetlo la pele manonyeletsong a manyenyane a maoto, matsoho le diatleng. E ka nna ya ba e se e fetela ho manonyeletso a maholo a ditsu, mahetla le mangwele. Jwalo kaha RA e mpefala ho feta, manonyeletso a ka holofala mme a satalle haholo hoo a sa kgoneng ho tsamaya.
Ostearthritis (OA) ke boemo bo ka bakwang ke ho tsofala le ho kgathala ha manonyeletso a jwalo ka mangwele, dirope le menwana, kapa ka lebaka la ho tswa kotsi. Lena ke lefu la manonyeletso feela, ha le ame dikarolo tse ding tsa mmele. OA e ama dikarolo tsohle tsa lenonyeletso mme e baka bohloko bo tshabehang le ho satalla, haholoholo ka mora tshebetso e matla ya mmele.
Gout ke lefu la motsamao wa dikarolo tsa mmele le fetiswang ka lefutso ka dijine mme sesosa sa lona ha se tsejwe.
Ateraetisi e ka ama mang kapa mang. Mefuta e meng ya ateraetisi e atisa ho fumahena ho ditho tsa malapa a batho ba nang le ateraetisi.
Ateraetisi e ama batho ba dilemo tsohle, ho kenyeletswa le bana.
Mefuta e meng ya ateraetisi e atisa ho hlaha haholo basading (mohlala, ateraetisi ya ramatiki) ha e meng yona e atisa ho hlaha banneng (mohlala, gout).
Kgato ya bobedi ya ostearthritis e atisa ho hlaha ho batho ba batjha, ka bobedi banna le basadi, mme e amahangwa le dintlha tse jwalo ka tshwaetso, dipapadi kapa tshotleho moyeng.
Ostearthritis e atisa ho hlaha haholo ho batho ba seng ba hodile.
Theola mmele haeba o nonne ho feta tekano; matlafatsa mesifa ka ho ikwetlisa; qoba tahi le dijo tse itseng. (Ho gout, qoba dijo tse nang le purine e ngata/e mahareng tse jwalo ka nama e kgubedu, beikhone, kwaekgwaba, tlhapi, moroho, dinawa tse omisitsweng, dierekisi tse omisitsweng le di-lentils).
Tshebediso ya setshehetsi, ditshwarisi, disireletsi tsa mangwele kapa maqaqailana, melamu ya ho ikokotlela, mare a ho hlotsa hammoho le disebediswa tse ding ke ntho e thusang bakudi ba bang, empa e itshetlehile ka hore ke manonyeletso afeng a amehang ekasita le bobe ba temalo ya lenonyeletso.
Dilwantshamahlaba (meriana ya mahlaba) di ka sebediswa bakeng sa ho kokobetsa mahlaba.
Ditlhare tse se nang disteroite tse thibelang ho ruruha di molemo ho fokotseng mahlaba, ho satalla le ho ruruha ha manonyeletso. Di sebedise ka hloko.
Ditlhare tse lokisang mafu di ka sebediswa ho thibela diketsahalo tsa ho iphethakaka ha mahlaba le ho ruruha ha manonyeletso. Di ka sebediswa bakeng sa mefuta e itseng ya ateraetisi e jwalo ka ateraetisi ya ramatiki.
Ho na le kalafo e ikgethang haeba sesosa sa ateraetisi se a tsejwa (ho tea mohlala, gout kapa ditshwaetso).
Haeba mokudi o lemetse hampe haholo lenonyeletsong, teng he, ho ka hlokahala hore a etswe oporeishene ho kokobetsa mahlaba le ho ntlafatsa tshebetso ya lenonyeletso leo. Ka dinako tse ding karo ya oporeishene e a hlokahala ho thibela temalo e eketsehileng ya lenonyeletso.
Etela setsha se haufi sa tlhokomelo ya bophelo bo botle kapa ngaka ya lelapa. O mong wa mehato ya pele e tla ba ho fumantsha hore na ebe matshwao a bakilwe ke ATERAETISI kapa RAMATIKI.
<fn>sot_Article_National Language Services_Ka moo o ka Utlwisisa.txt</fn>
Tshebeletso ya Boemo ba Lehodimo ya Afrika Borwa e hlahisa bolepi ba lehodimo ba nako e telele ka ho lepa. Hona ho bakwa haholo ke ho fapana ho teng ha boemo ba lehodimo le ho hloka kutwisiso ha dintho tsohle tsa ka moo tlelaemete e sebetsang ka teng. Mabapi le mohlala wa dihlopha tse tharo tsa bonohe, ho na le monyetla o lekaneng wa dihlopha tse tharo ka bonngwe hore di hlahe le ha ho se na tsebiso e nngwe hape ya direkoto tsa tlelaematholojy tse teng. Ka lebaka lena, hore ho ka etsahala hore dihlopha tse ding le tse ding tse tharo di be teng ke 1/3 (33.3 %), k.h.r., ho ka etsahala ho hong ka nako e telele ha ho elwa hloko. Ho letjwa hona ho lekanang ho ka etsahalang ha 33.3% ka sehlopha ka seng ho hlaloswa e le bolepi ba tlelaematholoji. Ka nako eo ketsahalo ya tlelaemete e bang teng, e jwalo ka EL Nino, ho ka etsahala ha dihlopha tse tharo ho ke ke ha hlola ho lekana, k.h.r. ketsahalo e ka bang teng ha sehlopga se ka tlase ho se setlwaeding (ho omella) e ka ba boholo bo fetang 33.3%, mme jwale ho baka le bolepi bo fapaneng le bolepi ba tlelaematholoji. Tse ka etsahalang tse reretsweng dihlopha tse tharo di fana ka moo ho ka lepuwang ka teng ha mmoho le ho tsamaelana le tlelaematholoji, ha mmoho le ho se be le bonnete ba bolepi.
Ho ka ba teng ha bolepi bo ka utlwisiswa tjena: E re mohlomong re na le mokotla wa ditholwana tsa siterase tse tsheletseng, di e na le dilemono tse pedi, dilamunu tse pedi le dikereipifurutu tse pedi. Dilemono tse pedi di emela boemo bo ka tlase ho setlwaedi ba sehlopha sa pula, dilamunu tse pedi boemo bo batlileng bo le setlwaeding, dikereipifurutu tse pedi ka hodimo ho setlwaedi sa sehlopha sa pula. Ho ntsha e nngwe ya ditholwana mokotleng o sa hlwele ka mokotleng ho emele boemo bo lekanang bo ka etshahalang ho e nngwe le enngwe ya dihlopha tse tharo tsa ditholwana tse ka ntshuwang ka mokotleng. Ho tea mohlala, hore ho ka etsahala hore ho ntshwe lemono mokotleng e ka ba ka makgetlo a 2 ho a ka etsahalang ho a 6 a ditholwana, ka mantswe a mang, 33.3 %. Yona ketsahalo e ka bang teng ya 33.3% e ka ntshuwang ho sa kgethwe e ka etsahala ho dihlopha tse pedi tse setseng tsa ditholwana. Ha eba mokotla wa ditholwana o emela nako ya selemo ya pula, mme ha eba re sa tsebe hore EL Nino kapa La Nina e tla ba teng kapa ha re na motlolo o kgonang wa ho lepa, jwale ho ka etsahalang hona ho neng ho le teng ha ho ntshwa ditholwana feela mokotleng le hona ho a sebetsa mona dihlopheng tse tharo tsa ha pula e tla na. Ka lebaka lena, ka ntle ho ho lepa, ho ka etshahala ho ka tlase ho setlwaedi kapa boemo bo batlileng bo le setlwaeding kapa bo ka hodimo ho setlwaedi ke 33.3%.
Ha ho lebeletswe hore El Nino e e fihlelle boemo bo matlafetseng nakong eo dipula di nang ka yona lehlabula, e eketsa ho ka ba teng ha ho omella (boemo bo ka tlase ho setlwaedi) ho ba teng Afrika e ka borwa.
Tsebo ya ho tla ha EL Nino ho tshwana le ha ho ntshuwa kereipifurutu e le nngwe (boemo bo ka hodimo ho setlwaedi ba pula) le lemono (boemo bo ka tlase ho setlwaedi ba pula), bo emelang ke hona maemo ao ho nang le monyetla o moholo wa boemo bo ka tlase setlwaeding ba pula hore bo ka ba teng. Mokotla wa ditholwana jwale o na le dilemono tse tharo, dilamunu tse pedi, le kereipifurutu e le nngwe. Ho ntsha tholwana mokotleng feela o sa kgethe ho hlahisa monyetla wa 50% (tharo ho tshelela) ho ntsha lemono, le 16.7% feela (nngwe ho tshelela) ho ntsha kereipifurutu.
Ena ke mohopolo oo bolepi ba nako ya selemo bo ka etsahalang ka teng bo ananelwang ka teng. Hlokomela hore ha se ntho e ke keng ya etsahala ho ntsha lamunu mokotleng (pula e boemong bo batlileng bo le setlwaeding). Ho mpa feela ho ena le ho ka etsahala ho eketsehileng ha hore lamunu (boemo bo ka tlase ho setlwaedi) e ka ntshuwa mokotleng. Hantlentle, basebedisi ba bolepi ba hlokomele haholo ka dihlopha tse sa ratweng, ka ha ho ka se etsahale hona e se ho honyenyane ha kaalo hore ho ka se natsuwe. Ha ho phethwa hape ketsahalo ena ya ho ntsha ditholwana ka mokotleng, ka ho ngola seo o se ntshitseng ka mokotleng le ho se lahleha hape mokotleng pele o se ntsha hape ka makgetlo a lekgolo, o tla elellwa hore makgetlo a 50% ao o e ntshitseng a tla tsamaelana le lemono, makgetlo a 33% a tla tsamaelana le lamunu le makgetlo a 16.7% a tla tsamaelana le kereipifurutu. Ditsebi di etsa mofuta o jwalo wa teko ka bolepi boo ba fanang ka bona, mme ebe ba re bolepi bo ka tshetjwa, ha eba ho ka etsahala hoo ha bolepi le ho bohuwa ho tsamaelana ha mmoho?
Ho tea mohlala, bolepi ba pula naheng ka bophara bo na le ho ka etsahala ha 30% ba hore ho ka ba le nako ya selemo ya pula, 45% e ka etsahalang ya hore e ka ba nako ya selemo e batlang e le setlwaeding, le 25% e ka etsahalang ya hore e be nako ya selemo e omeletseng. Ka ha sehlopha sa boemo ba batlang bo le setlwaeding bo le ka hodimo ho 33.3% sehlopha sa boemo bo ka tlase ho bo setlwaeding ka tlase ho 33.3%, bolepi bona bo bolela hore pula e boemong bo batlileng bo le setlwaeding bo ka etsahala haholo ho feta ka moo ho tlwaetsweng ka teng, mme boemo bo ommeng le ba pula bo ke ke ba etsahala ka moo ho tlwaetsweng ka teng. Hlokomela ho se be le bonnete ka teng bo bang teng ha ho lepuwa le ha kwana bolepi bo lebisa hore pula e boemong bo batlang bo le setlwaeding, ho ka ba teng ha boemo bo batlileng bo eba setlwaeding ba pula ke 45% feela. Ebile, ho ka etsahalang ho ka tlase ho setlwaedi e sa ntse e le 25%, ho bolela hore diketsahalong e le nngwe ho tse nne ha boemo bona ba tlelaemete, pula e boemong bo ka tlase ho setlwaedi e ka lebellwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Ketapele.txt</fn>
Ke motlotlo ho tekela setjhaba sa Afrika Borwa Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala ya dipapadi le boikgathollo e lekotsweng botjha. Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala e hlahisang maikutlo a tebileng a Sport and Recreation SA a ka moo dipapadi le diketsahalo tsa boikgathollo di nang le seabo bophelong bo phethahetseng ba MaAfrika Borwa ohle. Ke mokgwa o lokileng ka ho fetisisa wa ho etsa hore batjha ba rona e be karolo ya diketsahalo tsa bohlokwa tse lokelang ho kenya letsoho kahong ya ditjhabana tsa rona.
Dilemong tse hlano tse fetileng leano la mantlha la mmuso le ile la phatlalatswa ka kgatiso ya pele ya Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala moo mathata, maano le tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona di ileng tsa lokodiswa ka ho hlaka. Ho se ho sebeditswe haholo ho rarolla mathata ao le ho shebana le tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona, empa ka baka la ho haellwa ke nako le mehlodi tsela e sa le telele ka pele. Ho ipapisitswe le maano, le tseo ho lokwang ho qalwa ka tsona le matsapa a akaretsang a mmuso wa naha, tlhahlamano ya tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona ho Sport and Recreation SA e lekotswe botjha le hona ho fetolwa. Diphetoho tsena di etseditswe ho potlakisa ho sebeletsa setjhaba.
Ho phethahatsa leano le boletsweng la mmuso la bophelo bo ntlafetseng ho bohle le ho kgothalletsa dipapadi setjhabeng, ho botjwa ha Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa ke tswelopele e bonahalang ho netefatsa hore dipapdi di finyella dikgutlwaneng tsohle tsa naha ya rona. Phumantsho ya tjhelete e tswang mehloding ya Twantsho ya Bofuma, ho Thehwa ha Meralo ya Ditshebeletso le Seboka sa Mosebetsi hammoho le tse tswang lotharing ya setjhaba bakeng sa ho ntshetsa pele disebediswa tsa dipapadi le boikgathollo dibakeng tse timilweng menyetla e tla hle e be mokgwa o kgonahalang wa ho etsa hore dipapadi di fihlellwe ke bongata ba baahi ba naha ena.
Sport and Recreation SA e ipehetse tsena tseo e batlang ho di phethahatsa, e leng tsona tse tswetseng lepetjo le reng Kgothalletsa papadi setjhabeng.?
a Ho eketsa sekgahla sa ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
b Ho qoholla bohlokwa ba dipapadi ka hara tse ngata tsa bohlokwa.
c Ho eketsa kgonahalo ya katleho diketsahalong tse kgolo.
d Ho beha dipapadi ka pelepele boitekong ba ho sebetsana le ditaba tsa bohlokwa tsa setjhaba.
Boleng ba tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona ke ba phetoho mme tokomane ena e shebana ka botlalo le mosebetsi ona, re ntse re hlokometse hore diketsahalo tsa rona di dumellana le leano le akaretsang la mmuso.
Natefelwa ke ho bala.
Kgothalletsa papadi setjhabeng ke mooko o akaretsang wa Tokomane ena e Ditherisano?
Ho fihlela sepheo sena ho hlokeha boiteko bo fadimehetsweng le boikitlaetso ba nnete ho tswa mmusong, mekgatlong eo e seng ya mmuso, mokgeng wa poraevete le setjhabeng sa Afrika Borwa ka kakaretso. Boneng bona moamehi ka mong o na le seabo motheong wa tlwaelo ya dipapadi le boikgathollo. Boikarabelo bo akaretsang mabapi le leano, tlhahiso le phethahatso ya dipapadi bo mahetleng a Sport and Recreation South Africa (SRSA) hammoho le Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa (SASC).
Ho se lekane pakeng tsa ba nang le menyetla, e le boholo baahi ba ditoropong le bongata ba badudi ba mahaeng ba hlokang menyetla.
Ponelopele ya matsapa le leano la ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo, e le taba tse sa leng ntjha haholo papisong le tse ding.
Tlhokeho ya hore Afrika Borwa e be boemong bo e lokelang ho tsa dipapadi lefatsheng ka bophara.
Tebello ya hore SRSA e tla hlokomela ditlhoko tsa setjhaba sohle ka ditekanyetso tse dutseng di lekana le tse neng di sebeletsa diperesente tse 20 tsa setjhaba mmusong o fetileng.
Leano la Afrika Borwa la dipapadi le boikgathollo le lokela ho hlabollwa ho fadimehetswe maemo ana.
Le ha katamelo ya rona ya dipapadi le boikgathollo e lokela ho thehwa hodima metheo ya bophelo le ditumelo tsa Afrika Borwa popeho ya naha, ditjhabana tsa yona, nalane le lefa la yona leano la rona la dipapadi le boikgathollo la naha le lokela ho kgema le tse etsahalang lefatsheng ka bophara?
Tsela ya lefatshe ka bophara e latelwang ke dipapadi le boikgathollo, le yona, e tshwaetswa ke mekgatlo ya matjhaba le ya dikontinente, e kang Supreme Council for Sport in Africa (SCSA), International Olympic Committee (IOC) le diketso tsa mekgatlo e ikgobokantseng ya matjhaba. Ho feta moo tshwaetso tsa dipolotiki, setjhaba le moruo, jwalo ka seabo le tshusumetso ya dikoporasi tse kopantseng ditjhaba, ho etsa kgwebo ka dipapadi le ho ikakgela ka setotswana ha boraditaba ho ke ke ha tellwa.
Ho lekilwe ka makgetlo ho fana ka tlhaloso e utlwahalang ya dipapadi le boikgathollo. Le ha ho le jwalo, ha ho so ka ho fihlelwa tumellano tabeng ena.
DIPAPADI di ka hlaloswa e le ketsahalo efe kapa efe e etswang ka mmele mme eo ba keneng ho yona ba sebeletsang tikolohong e hlophisehileng kapa esa hlophisehang sepheo e le ho fumana mohlodi, le ha seo e se ka mehla; kapa e etsetswa feela ho ikgatholla, ho ikgotsofatsa, bophelo bo botle ba mmele, kgolo ya moya le tlhabollo.
BOIKGATHOLLO ke ketsahalo e laolwang eo ho yona motho a bang le seabo ketsahalong efe kapa efe e thusang ho ntlafatsa bophelo ka kakaretso, botho le bokgoni ba motho ka mong le setjhaba ka kakaretso.
Ho hlokomelehile hore ho na le ho hloka tsebo ho hoholo naheng ena mabapi le seabo sa dipapadi le boikgathollo. Sehlopha sa tshebetso sa dihlooho tsa dinaha tsa Commonwealth sa Harare se buile tjena ka tshusumetso ya dipapadi setjhabeng: Ke nako jwale ya hore seabo seo dipapadi di nang le sona kahong ya setjhaba se ananelwe ka ho phethahala. Dipapadi ke boipolokelo. Taba ya pele, ke boipolokelo bophelong bo botle, mahlahahlaheng le ho boneng tswelopele ha setjhaba. Ya bobedi, ke boipolokelo bokamosong. Setjhaba se una molemo ka ntlafalo ya boleng ba bophelo ka kakaretso le ho phela ha monate mmeleng, kelellong le boitshwarong ba setjhaba sohle. Ho feta moo boradipapadi ba atlehileng ba hlahela e le batho bao batjha ba naha ena ba ka ratang ho tshwana le bona, e le bahlodi, e le baemedi bao e seng ba molao, ebile e le batho ba tsitlalletseng tekatekano le botshepehi tlhodisanong. Ka baka la bopepenene ba tsona dipapadi di ka ba le seabo se seholo ho lokiseng ho se lekane ha bong le kgethollo ya diqhwala le dihlotshwana tse nyenyane.?
Empa, mohlomong sa bohlokwa ka ho fetisisa ke seabo sa dipapadi ho thuseng bonngwe ba setjhaba.
Dipapadi le boikgathollo ha di felle feela ho beng le seabo ha dibapadi. Di utlwahala dikarolong tse ding tse ngata tsa bophelo jwalo ka Bophelo bo botle; Thuto; Moruo; Boitshwaro bo sa amoheleheng setjhabeng; kaho ya setjhaba le Dikamano tsa matjhaba.
i Mafu a mangata jwalo ka kgatello e phahameng ya madi a laolwa ka pheko ya bongaka kapa ka tshisinyeho ya mmele.
Dinaheng tse tswelang pele ho dumelwa hore bakeng sa Ranta e nngwe le e nngwe e sebedisetswang dipapadi ditjeho tsa bophelo bo botle di theoha ka Ranta tse lekgolo.
i Diphuputso di supa hore dipapadi di fa ngwana bokgoni bophelong ka tsela e fetang ketsahalo efe kapa efe.
Ho boetse ho na le bopaki bo bontshang hore ho eketseha ha thuto ya ho otlolla mmele ho baka ho ntlafala ha tshebetso dithutong.
i Ka baka la ho hlabolla bophelo tshisinyeho ya mmele e phahamisa tlhahiso.
Ho theoha ha bosiyo mosebetsing ho amanngwang le tsela ya bophelo e ntlafetseng ka 23% e baka hore ho bolokwe matsatsi a 1,5 ho mosebetsi ka mong ka selemo.
i Polelo e hanyetsang e reng e mobe o fumanela matsoho a feela mosebetsi ke e reng ngwana ya dipapading ke ngwana ya seng kgotla.
Botlokotsebe bo amanngwa le ho hloka boitshepo, mme katleho dipapading le boikgathollong e matlafatsa boitshepo.
i Batho ba ka etsiswang ke batjha dipapading ke ba bang ba ba susumetsang maikutlo a batho dinaheng tse ngata.
Katleho dipapading tse kang rugby, bolo ya maoto le ditebele di bakile hore diketsahalo tsa ho kgesana ha merabe di fokotsehe haholo naheng ena.
i Katleho dipapading e tswala ho hlontjhwa, ekasitana le dinaheng tse nyenyane.
Dinaha tsa lefatshe di eketsa tsamaiso ya tsona ya maano a matjhabeng ka tshebedisano dipapading le boikgathollong.
Ka ho hlokomela tshusumetso e matla eo dipapadi le boikgathollo di nang le yona dikarolong tsohle tsa bophelo ba setjhaba Lefapha, Sports and Recreation South Africa le Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa di dumellane ka tse latelang tse robedi tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, tseo e leng motheo wa Tokomane ena ya Ditherisano.
Ho tsepamisa diabo le ho hlakisa boikarabelo ba baamehi ba fapaneng dipapading le boikgathollong ho netefatsa hore kgokahano le tekatekano di teng.
Ke boikarabelo ba Palamente, haholoholo ka Letona le Komiti e Ikgethang ho hlalosa leano la tsamaiso; ho etsa molao le ditekanyetso bakeng sa dipapadi le boikgathollo.
Ho eketsa sekgahla sa ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
Ho pepesa bohlokwa ba dipapadi ka hara tse ngata tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona.
Ho eketsa kgonahalo ya katleho diketsahalong tse kgolo tsa matjhaba.
Ho beha dipapadi ka pelepele tekong ya ho lokisa ditaba tsa bohloka tsa setjhaba.
Ho ntshetsa pele dipapadi ba itshetlehile ka leano la naha la dipapadi le boikgathollo.
Ho hlabolla leano ba itshetlehile ka leano la naha la dipapadi le boikgathollo ho sebediswa dihlopha tse ka hara provense le mekgatlo e meholo.
Ho kenngwa tsebetsong ha leano la boikgathollo ho sebedisanwa le Makgotla a diprovense a boikgathollo.
Ho fumantsha mekgatlo e boletsweng ka hodimo tjhelete.
Ho ntlafatsa dibaka tse ka sebediswang tse entsweng ke mebuso ya mahae le ho di lokisetsa diketsahalo tsa naha kapa tsa diprovensi.
Ho hlabolla maano boemong ba lehae.
Ho kenya tshebetsong leano la dipapadi le boikgathollo.
Ho fa mekgatlo ya ona ya sehlooho ditjhelete, e leng dihlopha le batho ka bomong.
Ho hlahisa dibaka tse ka sebediswang ke ba lehae le provense.
Mmuso o a fana dihlopha-puso tsa dipapadi di a phethahatsa.?
a Ho hlokomela voutu ya dipapadi le boikgathollo mmusong wa naha.
b Ho tshehetsa kantoro ya Letona la Dipapadi le Boikgathollo.
c Ho fana ka tshehetso e tswang mmusong ho baamehi bohle dipapading le boikgathollong.
d Ho hokahanya le ho phehisa ho ralweng ha melao yohle ya dipapadi le boikgathollo.
e Ho toloka leano le akaretsang la mmuso, ho fetolela leano la mmuso maanong a dipapadi le boikgathollo a Afrika Borwa, ho lekola maano ao botjha ebang ho hlokeha le ha ho hlokeha, le ho disa ho kenngwa tshebetsong ha maano ao.
f Ho nyalanya leano la dipapadi le boikgathollo le maano a mafapha a mang a mmuso ka maikutlo a ho rera le ho phethahatsa ho kopanetsweng.
g Ho fa baamehi bohle ba dipapadi le boikgathollo keletso ya molao ho ya ka mmuso.
h Ho tshehetsa basebeletswa ba SRSA ho ya ka Molao wa tsamaiso ya ditjhelete tsa setjhaba PMFA, melawana e tsamayang le ona, hammoho le leano la phano ya ditjhelete la SRSA, ho disa tshebediso ya ditjhelete tseo le ho eletsa basebeletswa ka tsamaiso ya ditjhelete tsa bona.
Ho hlokomela dikamano mahareng a mafapaha le ka hara mafapha ke hore dikamano pakeng tsa mafapha a mmuso Afrika Borwa ho rapalla le ho lopalla hammoho le mebuso ya dinaha tse ding e sebedisanang le Afrika Borwa ka dipapadi le boikgathollo.
j Ho ananela diphehiso tse ikgethang tsa boradipapadi setjhabeng sa Afrika Borwa lebitsong la Mopresidente ka ho fana ka dikgau tsa selemo le selemo tsa Mopresidente.
k Ho fumana mehlodi ya dipapadi le boikgathollo ho tswa dinaheng tse ding ka metjha e nepahetseng ho tsa ditjhelete tsa naha.
l Ho buisana lebitsong la mmuso ka ditaba tsa dipapadi le boikgathollo.
m Ho araba Palamente le ho hokahanya dikarabo tse yang Palamenteng mabapi le ditaba tsa dipapadi le boikgathollo.
n Ho thusa, ho hokahanya le ho disa ho hlahiswa le ho ntlafatswa ha dipapadi le ho hlahiswa ha tse thusang ka lenaneo la Ho ahela dipapadi le boikgathollo.?
a Ho disa tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo ho ya ka leano la mmuso wa naha.
b Ho buella dipapadi le boikgathollo palamenteng.
c Ho ngangisana le ho sisinya molao o fanang ka bokgoni.
d Ho eletsa ka tsa dipapadi boemong ba matjhaba.
Dibopeho tsa diprovense di haufiufi le ho sebeletsa setjhaba ka dipapadi le boikgathollo ho feta mafapha a mmuso wa naha.
a Ho etsa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellwe ke batho bohle provenseng.
b Ho fana ka tse hlokehang ho tshehetsa dipapadi le boikgathollo hammoho le ho di baballa.
c Ho netefatsa hore ho na le mananeo a hlabollang bokgoni ba mehlodi ya batho dipapading le boikgathollong.
d Ho hlahisetsa diprovense moralo wa leano la tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo o kgemang mmoho le leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo.
e Ho hokahanya mafapha a fapaneng a mmuso wa provense ho netefatsa hore ho na le tumellano leanong la provense la dipapadi le boikgathollo.
f Ho phethahatsa ditumellano tsa matjhaba tse entsweng ke Sport and Recreation SA ka sepheo sa ho kopanela tekenoloji, phetisetso ya bokgoni le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo.
Mebuso ya lehae e na le kamano e otlolohileng le dibaka tsa tshebeletso tsa dipapadi le boikgathollo.
a Ho hlahisa moralo wa leano la tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo boemong ba lehae bo dumellanang le leano la provense la dipapadi le boikgathollo.
b Ho etsa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellwe ke batho bohle sebakeng seo.
c Ho hlahisa tse hlokehang ho fana ka ditshebeletso tsa dipapadi le boikgathollo. Ka ha sehlopha e le karolwana e nyenyane ya dipapadi mebuso ya lehae ke lehokela la bohlokwa lethathamong la tlhahiso.
d Ho netefatsa hore ho na le mananaeo a hlabollang bokgoni ba mehlodi ya batho dipapading le boikgathollong.
e Ho phethahatsa ditumellano tsa matjhaba tse kgemang mmoho le Mafapha a provense a ikarabellang Dipapading le boikgathollong, jwalo ka ha di entswe ke SRSA ka sepheo sa ho kopanela tekenoloji, phetisetso ya bokgoni le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo.
Le ha SASC e na le boikarabelo bo akaretsang ba ho thusa le ho disa dibapadi methating yohle ya kgolo dipapading, e boetsa e na le mosebetsi o ikethang wa ho kgotlalletsa ba sa bapaleng ho ba le seabo ka mananeo a kahobotjha. Ka tsela ena SASC e na le seabo sa bohlokwa.
Tsamaiso, kgodiso le kgokahanyo ya Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa dipapading le boikgathollong.
a Ho hlahisa le ho kenya tshebetsong moralo wa naha wa dipapadi le ho netefatsa hore ho na le disebediswa tse fihlellehang le hore di tsamaiswa ka seprofeshenale.
Ho qoholla le ho hlophisa ditlhoko tsa dibaka tse sebediswang, dihlopha le ditlhodisano le ho hlabolla moralo wa hore di fumanehe.
Ho hlahisa le ho ho fana ka disebediswa le thupello ho netefatsa hore dibaka tse sebediswang, dihlopha le ditlhodisano di tsamaiswa seprofeshenale.
b Ho ntlafatsa boleng ba dipapadi tsa matjhaba tse tshwarelwang Afrika Borwa.
Ho hlahisa le ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho iketela le ho tshwara dipapadi tsa matjhaba.
Ho thusa dihlopha lemekgatlo e filweng tumello ya ho tshwara dipapadi tsa matjhaba.
d Ho netefatsa boteng ba tsela ya ho rarolla diqaka ka hara mekgatlo ta naha pele yona e ka leka ho tlisa kgotso kapa Letona le kena dipakeng.
Ho qoholla talente le ho tshehetsa dibapadi a Ho qoholla dibapadi tse nang le talente ho netefatsa hore dihlopha tsa Afrika Borwa di emetswe ka ho phethahala.
Ho theha ditsela tsa ho pepesa bokgoni, disebediswa le meralo ya ho qoholla talente.
Ho qoholla dipapadi tse nang le talente le ho ba kenya lenaneong le akofisang kgolo ya bona.
b Ho etsa hore ho fihlellwe tshehetso e thehilweng saenseng, thupello, ditshebeletso tsa tlhabollo ya tsa boiphediso, kwetliso hammoho le bophelo bo kgemang mmoho le ho potapota papadi e le ho eketsa palo ya dimedale le diapadi tsa teko e hatjwang ke Afrika Borwa.
Ho theha tshebedisano le kgokahano le ba amehang ho qoholla talente le ho fana ka tshehetso e thehilweng saenseng, thupello, kwetliso, tlhabollo ya tsa boiphediso le tshehetso bophelong bo potapotileng.
Ho theha le ho fana ka disebediswa diakademing tsa dipapadi e le ho fana ka tshebeletso.
Ho qohollwe dipapadi tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona tseo ditjhelete di ka tobiswang ho tsona, ho diswe tswelopele ya tsona mme ho kenwe dipakeng moo ho hlokehang.
Ho fumanwe lesedi, le hlophiswe le ho hasanngwa ho etsa motheho wa tsebo.
Ho thehwe tshebedisano ho thusa hore mehlodi ya tjhelete le ditlhophisetso di be teng ka batshehetsi ka ditjhelete, mmuso le lothari ya setjhaba.
Ho fana ka tshehetso ya ditjhelete ka lenaneo la thuso ya dibapadi.
Ho eletsa Letona la Dipapadi le Boikgathollo mabapi le maano a hlokehang dipapading le boikgathollong.
Ho hlahisa le ho kenya tshebetsong maano a pokelletso ya ditjhelete bakeng sa dipapadi, phetoho ya dipapadi, tsamaiso ya dipapadi kamanong le botho ba SASC, le mebala ya naha.
Ho hlahisa maano a hlokehang ho hodisa, ho ntshetsa pele le ho hokahanya dipapadi le boikgathollo.
a Ho kenya tshebetsong leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha.
b Mosebetsi wa sethatho wa NOCSA, ho ya ka Olympic Charter, ke ho netefatsa hore boradipapadi ba Afrika Borwa ba kenela dipapadi tsa diolimpiki, le ho phethahatsa thomo ya yona ya dipapadi tsa boemo bo phahameng. Tsena di kenyelletsa ho qoholla talente, ho hlahlella bokgoni Operation Excellence, ho potlakisa tshebeletso le ho sebetsa jwalo ka sebediswa se etelletseng pele bakeng sa Akhademi ya setjhaba, hammoho le ho hlokomela sebaka sa boikwetlisetso ba diolimpiki.
c Ho netefatsa boteng ba ditsela tsa ho rarolla diqaka ka hara ba ingodiseditseng diolimpiki.
e Ho sebedisana le Lefapha la dipapadi le boikgathollo / SRSA / SASC.
a Ho kenngwa tshebetsong ha leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha.
b Mosebetsi wa mantlha wa SACGA ke ho hokela ho ba le seabo ha dibapadi tsa Afrika Borwa dipapading tsa Commonwealth.
c Ho emela ba ingodisitseng ho yona dibokeng tsa matjhaba jwalo ka dikomiti tsa dipapadi tsa CHOGM le CGF.
d Ho sebedisana le Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo / SRSA /SASC.
a Ho kenngwa tshebetsong ha leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha, ba provense le ba lehae.
b Mosebetsi wa mantlha wa federeishene ya naha ke ho ba mosebeletsi wa sehlooho mofuteng o itseng wa papadi. Sena se etswa ka ho fihlela tekatekano e nnetefaditsweng dipapading, mananeong a ho sibolla talente, ho theha lebotho la baithaopi le keketso ya ba bang le seabo.
c Ho hlahisa maikutlo lebitsong la dipapadi tsa bona mekgatlong e meholo ya dipapadi le Lefapheng / SRSA / SASC.
d Ho hlahisa mekgwa ya ho rarolla diqaka mefuteng ya bona ya dipapadi le ho mema mekgatlo e meholo ho kena dipakeng ha ho hlokeha.
e Ho ntshetsa pele dipapadi tsa bona ka ho nahanela pele ho netefatsa hore ho kenelwa dipapadi ka bongata ho tswa mekgeng yohle.
f Ho emela mofuta wa papadi foramong ya mokgatlo o moholo, mmuso, kontinente kapa matjhabeng.
g Ho netefatsa hore baingodisi ba bona ba diprovense ba dumellana le meedi e amohelehileng ya diprovense ho ya ka leano la mmuso.
Difedereishene tsa diprovisnse di na le seabo se tshwanang le sa difedereishene tsa naha, phapang ya bohlokwa e le dikarolo tsa tsona tse fapaneng tsa naha moo di nang le matla teng.
Ha o tseba, ruta, ha o sa tsebe, ithute?
ho qoholla talente ho netefatsa hore dihlopha tsohle di ba le seabo ho hokahanya ditlhodisano ka hara dikolo le pakeng tsa dikolo ho kenya mananeo a bokwetlisi le ntshetsopele bakeng sa matitjhere ho phehisa ho ralweng ha Thuto ya ho kwetlisa mmele.
c Ho behela mekgatlo e meholo le mafapha a amehang a mmuso ka dipapadi tsa dikolo.
d Ho ikopanya le difedereishene tsa naha le tsa diprovense mabapi le dipapadi tsa ba banyenyane le tsa batjha haholoholo.
f Ho ba le seabo boemong ba matjhaba ha dihlopha tse emetseng Afrika Borwa..
a Ho kenya tsebetsong leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba thuto e phahameng.
b Tshebetso ya yona ya mantlha e kenyelletsa ho kopanela mehlodi ya yona e ikgethang ya batho hammoho le disebediswa le setjhaba, ho netefatsa hore dihlopha tsohle di ba le seabo le ho hokahanya ditlhodisano ka hara dibaka tsa thuto e phahameng le pakeng tsa dibaka tse jwalo.
c Ho behela mekgatlo e meholo le mafapha a amehang a mmuso ka dipapadi tsa dikolo tse phahameng.
d Ho ikopanya le difedereishene tsa naha le tsa diprovense mabapi le dipapadi tsa dikolo tse phahameng.
f Ho thusa hore Afrika Borwa e kgone ho kenela ditlhodisano tsa matjhaba tsa dikolo tse phahameng.
a Ho kenya tshebetsong leano la dipapadi le boikgathollo boemong ba sehlotshwana kapa ba motho ka mong.
b Mosebetsi wa sona wa mantlha ke ho eketsa ho ba le seabo ka mananeo a ho thaotha pele.
c Ho ba le seabo keketsong ya tsebo.
d Ho beha ditaba difedereisheneng tsa diprovense le makgotleng a metse ho hohela mehlodi bakeng sa mesebetsi ya sona.
e Ke sesebediswa sa mantlha sa ho qoholla talente, ho e hlabolla le ho e hodisa.
f Ho fana ka tshehtso e ikgethang setjhabeng.
Mmuso o le mong o ke ke wa kgona ho phethahatsa dibatabelo tsohle tsa dipapadi le boikgathollo. Ka baka lena tshebetso-kopanelo pakeng tsa mmuso, mekgatlo eo e seng ya mmuso, mokga wa kgwebo ke ya bohlokwa bakeng sa ho fumana mehlodi ya ho ntshetsa karolo ena pele. Lefapha, SRSA le SASC di hlokometse seabo sa dipapadi moruong le ka moo di sebedisetswang kgwebo ka teng. Ke nnete hore dipapadi di fetohile mokgwa wa indasteri e holang la potlako mme e phehisa haholo ho GDP. Kgolo ena e bonahala le mileniamong ona o motjha, moo ho kgutsufala ha dihora tsa mosebetsi ho fanang ka nako e ngata ya boikgathollo e tsamayang mmoho le kgolo ya mokga wa tshebeletso le boikgathollo moruong ya lefatshe. SRSA le SACS di dula di batlana le ditsela tseo di ka fumanang batshehetsi ba batjha ba mokga wa kgwebo mefuteng ya dipapadi e haellwang ke matlole. Setshwantsho se latelang se bontsha kakanyo ya tshebediso ya ditjhelete ya mmuso le mokga wa poraevete dipapading le boikgathollong ka 1999.
Ho etsa hore ditjhelete di be teng bakeng sa ho qapa kapa ho ntlafatsa disebediswa tse kopanetsweng tsa dipapadi dibakeng tse hlokileng menyetla.
Bothata tlhahisong ya dibaka tse ka sebediswang Afrika Borwa ha se feela ho haella ha dibaka tse jwalo , empa le moo dibaka tseo di fumanehang teng ha di moo bongata ba batho bo leng teng. Ho feta moo, ke maikutlo a Lefapha/ SRSA/ SASC hore ho etsa dintho ho itshetlehilwe ka setjhaba ho tla netefatsa hore baahi ba bona dintho tse jwalo e le tsa bona, mme ba thusa tlhokomelong le tsamaisong ya tsona. SRSA le makalana a yona e tla leka ho sebedisa mehlodi ya lehae ho qapa le ho ntshetsa pele dibaka tse ka sebediswang sena se tla phehisa tlhahisong ya mesebetsi. Dibaka tsohle di lokela ho ka fihlelleha ha bobebe ke basebedisi ba qhwadileng?
Ho tobilwe: Dikolo, dihlopha, boikgathollo, mekgatlo.
Tlhophollo ya ditlhoko e etswang ka foramo e kopanyang bohle.
Ho hokahanya phumantsho ya dibaka tse ka sebediswang ka ho ikopanya le mafapha a mang a mmuso.
Moralo wa naha wa dibaka tse ka sebediswang.
Dibaka tse ka sebediswang di thusa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellehe.?
Ho etsa hore ho be le batho ba nang le bokgoni ba ho tsamaisa dipapadi le boikgathollo Afrika Borwa ka nepo.
Ntlha eo mohlanka, molaodi, mokwetlisi kapa motsamaisi wa sebaka se ka sebediswang a ka kenellang letoto lena ke mothating wa motheo. Ha ba ntse ba amohela bokgoni bathauthuwa bana ba tla nne ba fetele pele methating e fapaneng ho fihlela boemo ba boikgetho.?
Mmuso o fetileng o ne o se na mananeo a ho hlabolla batho ba tsamaisang dipapadi le boikgathollo. Tse etsahalang boemong ba matjhaba le tsona di supa qaka ya boithaopi dinaheng tse ntseng di tswela pele?
Kwetliso le phano ka mangolo a Thuto ho baithaopi (ba batjha le ba ntseng ba le teng).
Ho ananela ditshebeletso tsa baithaopi.
Letoto la tlhabollo ya dipapadi le fana ka motheo wa tlhahiso ya meralo e lekaneng ho tloha mothating wa moetapele wa dipapadi tsa baahi, ho feta bolaoding ba provense, ba naha le ba difedereishene tsa matjhaba.
Ho etsa meralo ya ho kenya tsena tshebetsong.
Ditshebeletso tse akaretsang, mohlala baqhobi, balaodi.
Ho tla qaptjwa mokwga o tshwanang le wa THETA/South African Qualifications Authority, ho kgothalletsa boemo bo amohelehang ba tshebelletso, mme ka ho etsa jwalo ba sirelletsa ba nang le seabo, mme ba thusa kgonahalo ya ho fallela dikarolong tse ding tsa indaseteri.
Ho tla thehwa lenaneo la ditlhapiso, moo baithaopi ba fuwang dikgau tse ikgethang tsa tshebetso dipapading le boikgathollong.
Ho kgothalletsa baahi ho qala mekgwa ya mafolofolo le bophelo bo bottle le ho tataisetsa ba nang le talente dikarolong tsa dipapadi tsa phehisano.
Ho thaotha le ho kgothalletsa batjha le ba baholo ho ba le seabo dipapading.
Ho kgothalletsa setjhaba ho qapa mekgwa ya tshisinyeho ya mmele ka mafolofolo.
Ho kgothalletsa ba sa itshwenyeng ka dipapadi ho kena dipapading.
Mona ho na le dikarolwana tsa mantlha tse pedi tseo ho lokelang ho tsepamiswa maikutlo ho tsona, e leng boikgathollo le papadi e hlabollang.
Mosebetsi wa boikgathollo boholo o maikutlong a fumanwang ketsahalong ho ena le ketsahalo ka boyona. SRSA le SASC di tshehetsa ka ho phethahala maikutlo a ho fana ka menyetla ya boikgathollo bo lokileng ho bohle. Boikgathollo bo ka sebedisetswa ho kgothalletsa ho se kgethollane ha merabe, menyetla ya boetapele le ho hlahisa boahi bo botle?
Dipapadi le boikgathollo di kopane ka kamano e matla. SRSA/SASC e ananela hore boikgathollo ke ho feta ho bapala papadi le ho ba le seabo diketsahalong tsa ho entsha mmele. Ke sephehisi sa bohlokwa ho beng le seabo dipapading. Sena se hlaka hantle kakaretsong le mawaleng a letoto la tlhabollo ya dipapadi. Tlhahiso ya menyetla ya boikgathollo ke yona e hlokehang haholo bakeng sa mananeo a tlhabollo ya dipapadi le boikgathollo.
Tlhabollo ya boikgathollo e lokela ho laolwa ke tlhokeho , mme e tsamaiswe ke baahi.
Baahi ba lokela ho matlafatswa hore ba kgone ho ba le seabo therong, tshebetsong, le tlhahlobong ya mananeo a boikgathollo, e le hore maano a tle a etswe ho itshetlehilwe ka ba nang le seabo. Ho feta moo, baahi ba lokela ho ikarabela ntshetsopeleng ya bona.
Ho ba le seabo boikgathollong ke tokelo ya mantlha.
Batho bohle ba Afrika Borwa ba lokela ho nnetefaletswa ho kgona le ho fihlela mananeo le dibaka tse ka sebedisetswang boikgathollo, ho sa natswe bong, dilemo, mmala, puo, botjhaba, tshekamelo ya dipolotiki, mokga, boqhwala kapa maemo.
Ho abelwa mehlodi ka tekano.
Ho tla qalwa ka dibaka tse hlokang menyetla ha ho hlahiswa mananeo a matjha.
Ho hlokeha haholo hore ho hlolwe kopanelo le paballo ka ho hokahana le mekgatlo ya mmuso le ya poraevete ho netefatsa hore mananeo a ntshetswa pele ka phethahalo.
Ho akanngwa hore e ka ba feela 10% ya setjhaba sa naha ya rona e bang le seabo dipapading tse hlophisehileng tsa tlhodisano. Palo ena ha e ntle papisong le dinaha tse ding moo tlwaelo e leng diperesente tse fetang 50.
Moralo wa tlhahabollo ya dipapadi o ikgara ka dintlha tsa motheo tse nne: Thuto ya ho otlolla mmele, dipapadi tsa batjha le tsa ba banyenyane, dipapadi tsa dikolo tse phahameng le difedereishene tsa matjhaba.
a Ho hokahanya tlhahiso le peho ya dipapadi tse kenyelletsang papadi, ho otlolla mmele ha ka mehla le letoto le tlwaelehileng la ho itlosa bodutu, ho qoholla le ho ba le mananeo a diphuputso, ho qoholla le ho tiisa mananeo a ho ikwetlisa le ho ya dikopanong le disimphosiamong tsa boikgathollo kapa ho di bitsa.
b Ho emela Afrika Borwa diforamong tsa naha, tsa kontinente le tsa matjhaba.
c Ho eletsa Letona mabapi le leano la boikgathollo.
d Ho netefatsa hore ho na le ditsela tsa ka hare tsa ho rarolla diqaka pele ho ka fihlwa ho SRSA/SASC.
Ha ho se hlophiseditsweng bana ba dilemong tsa ho kena sekolo empa ba se sekolong.
Kgothalletsa ho kopanngwa le diNF.
Hlahisa dibaka tse ntjha tsa kgolo.
Ke tsa ba ikgethang.
Ho hlokahahala ha ho tsepamisa maikutlo ho qohollweng ha talente ha ho thaothwa ba tla ba le seabo hodipapadi ho bohle?
Theha akhademi provenseng ka nngwe, mme ho be le makalana mabatoweng.
SRSA/SASC e ananela seabo sa bohlokwa seo basadi le banana ba ka bang le sona ho Kgothalletsa papadi setjhabeng e le ho kgothalletsa tsela ya bophelo e loking mme e tlisang bophelo bo botle. Tekatekano ya bong le tokelo ya basadi ya ho ba le seabo ke tsa bohlokwahadi. Difedereishene tsa matjhaba di tla kgothalletswa ho qapa mananeo a kwetliso le tlhabollo ho thusa hore basadi ba be le seabo le ho tlosa tse ka thibelang basadi ho ithutela mesebetsi ya thupelo, taolo, le tsamaiso dipapadi le boikgathollo. Mehlodi e ikgethang e tla fanwa bakeng sa ho hlabolla bokgoni ba dipapadi le dibaka tse ka sebediswang ke basadi le banana?
Ho tla qohollwa ba ka kgonang mme ba kopanngwe le boetapele ba thupelo le kwetliso dipapading le boikgathollong. Batho ba kgahlang diapapading le boikgathollong ba tla kgothalletsa basadi le banana ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
Difedereishene tsa setjhaba di tla kgothalletswa ke SRSA/SASC ho theha mananeo a maqheku. Ho feta moo, mekaubere e tla ba thusa haholo mananeo a baithaopi.
SRSA/SASC e ananela bohlokwa ba dipapadi le boikgathollo bophelong ba batho ba qhwadileng mme e tla kgothalletsa hore ho hlophiswe le ho hlahisa dipapadi le boikgathollo bakeng sa batho bana ho tloha boemong ba baahi ho isa bokgoning bo ikgethang. Ha jwalo e meng ya mefuta ya dipapadi e etseditswe batho ba qhwadileng dihlopheng tse itseng tsa dilemo. Mehlodi e meng e ka kenyelletswa ka mananeo a kopanelo a kenyelletsang le mafapha a mang a mmuso, jwalo ka Thekolohelo, Bophelo bo botle, Thuto, jwalo jwalo?
Dipapadi di lokela ho sebediswa ho ntlafatsa boleng ba sebaka sa tshebetso, ka ha boholo ba nako ya rona re bo qeta mosebetsing. Diapapadi di ka kenya letsoho phokotsong ya diqhwebeshano, mokgathala, le ngongoreho mosebetsing, mme di ka thusa ho eketsa tlhahiso. Ho kgothalletswa hore ho thehwe dihlopha tsa dipapadi tsa basebetsi e le ho thusa hore basebetsi ba be le seabo. Mananeo a basebetsi a dipapadi a ka boela a sebediswa e le diforamo tsa ho qoholla talente, hammoho le ho tswela pele ho fihla diapapading tsa diphehisano. Mona ho hlokeha tshebetso e kopanetsweng le mekgatlo ya basebetsi.
Ho hlahisa lenaneo le tshebetso e matla le shebaneng le ho lokisetsa dibapadi tsa boemo bo ikgethang ditlhodisano tse kgolo.
Katleho ya Afrika Borwa ditlhodisanong tsa matjhaba, ha esale e kgutla ka mora ho qhelelwa ka thoko, e a bonahala. Qholotso ho SRSA/SASC le lekalana la yona le leholo, NOCSA, ke ho boloka katleho ena le ho e ntshetsa pele ka mawala a hokahaneng.
Theha sekolo sa boipabolo moo bokgoni bo fetolwang talente?
Disebediswa tse lokileng mekgwatsamaisong ya saense le lesedi di bonwa e le tsona tsa bohlokwa tshebetsong e tswileng matsoho.
Ho dula ho ntlafatswa tshebetso.
Ha ho ditlhapiso tse qholotsang tshebetso e matla.
Qapa mananeo a ditlhapiso ka ho fetafetana.
Kamano e otlolohileng pakeng tsa tshebetso e ntlafetseng le boleng ba phehisano.
Pepesetsa dibapadi phehisano ya boemo bo hodimo ka mawala a hokahantsweng a dipapadi tse kgolo.
Sa bohlokwa ka ho fetisisa dipapading tsa diolimpiki ha se ho hlola, empa ke ho ba le seabo. Jwalo feela ka bophelong, sepheo ha se ho hapa, empa ke ho iteka hantle Baron Pierre de Coubertin?
Ho netefatsa hore mekgatlo yohle ya dipapadi le boikgathollo e phethahatsa merero ya yona ya tokiso ya maemo a ditaba.
Ha jwale dihlopha tsa provense le tsa naha, ha di bontshe ho kgathatseha ho ya ka dipalo tsa botjhaba, mme moo ho hlokehang, le tsa bong, mona Afrika Borwa.
Ho hlakile hore kutlwisiso ya dipapadi ho bohle e thehilwe hodima tekatekano le ho fihlelleha, tse ka fihlelwang feela ka mananeo a kopanelo a tla kenyelletsa batho ba ditjhaba tse timilweng menyetla?
Ipehele tse lokelang ho fihlelwa tokisong ya maemo a ditaba.
Mananaeo a tlhabollo a bonwa e le sekgomathiso, e se karolo e shwellaneng, ya lenaneo le leholo la dipapadi.
Netefatsa tlhabollo ya ka nako tsohle ya dipapadi ka mananeo a dipapadi a kopanetsweng bakeng sa dibapadi tse tswang dikarolong tse timilweng menyetla.
Etsa hore ho be le phehisano e lekaneng bakeng sa dibapadi tse thuthuhang.
Le ha dipapadi di ntse di kopanngwa maemo a ditaba a ntse a le jwalo mabapi le dipalo tsa mefuta le bong.
Etsa hore tshebetso (ho phethahatsa sepheo) e be sekala bakeng sa mehlodi eka phumantsho ya ditjhelete.
Ha eba katleho ya hona jwale e tliswa ke ho sebeletsa diperesente tse 20 tsa setjahba, na ho sebelletsa diperesente tse 100 ho ke ke ha tlisa katleho e kgolwanyane?
Ho na le tlwaelo ya ho hlompha dipapadi haholo. Le ha ho le jwalo SRSA e hlokometse kgonahalo ya dintho tse fosahetseng tse ka etsahalang diopapading, jwalo ka tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi, ho sedisa batho ka phoso, manyofonyofo, merusu, jwalojwalo. SRSA/SASC e tla fana ka moralo wa boitshwaro o tla akaretsa papadi e hlokang leeme, molao o thibelang dithethefatsi, melao ya boitshwaro le ditshehetso tsa tahi, tikoloho le ditokelo tsa dibapadi.
Boitshwaro papading e hlokang leeme ke karolo ya bohlokwa ya mekgatlo yohle ya dipapadi, ho tadimilwe haholoholo dithethefatsi le tayo. Sport Recreation South Africa e thehile setsha sa naha sa ho thibela dithethefatsi dipapading ka maikemisetso a tiileng a ho fedisa tshebediso ya dithethefatsi dipapading. Thibelo ya merusu dipapading e tlama SRSA/SASC ka hohlehohle.
SRSA/SASC e tla netefatsa hore bohle ba nang le seabo ba kgothalletswa ho laola merusu kapa boitshwaro bo bobe ba dibapadi le babohi. Ho feta moo ho thehwa ha dihlopha tse nang le thahasello jwalo ka mokgatlo wa dibapadi le mokgatlo wa bakwetlisi ho tla akofiswa.
Melao ya boitshwaro ya bahlanka ba dipapadi, barekisi, dibapadi le ba ba bang e tla ba mokolokotwane wa bohlokwa. Ho hlakile hore le ha boikarabelo ba boitshwaro e qetella e le ba motho ka mong SRSA/SASC e tla fana ka moralo wa boitshwaro dipapading.
Ho tswela pele ho aha lefatshe la kgotso ka dipapadi tse hlokang kgethollo, tse batlang kutlwisisano ka moya wa setswalle, tshehetsano le papadi e hlokang leeme.?
Ho etsa leano la dikamano tsa matjhaba le kgemang mmoho le leano la naha la mmuso.
Tshebedisanong le Lefapha la Ditaba tsa ka ntle, SRSA e tla etsa ditumellano le dinaha tse selekaneng le yona. Re ipapisitse le New Partnership for Africas Development (NEPAD) maikutlo a rona a tla tsepamiswa kontinenteng ya Afrika. Ditumellano tsena tse pakeng tsa dipapadi tse itseng le diprovense tse itseng di tla kgothalletsa ho kopanela tekenoloji le bokgoni, hammoho le ho lohella dipapadi le diprovense ho bomphato ba tsona?
Ho feta moo SASC e tla saenela ditumellano tsa matjhaba tse mabapi le dipapadi le boikgathollo ntle le ho fokotsa matla a boipuso ba Afrika Borwa.
Difedereishene tsohle tsa naha, diSRSA/SASC tsa diprovense le mebuso ya lehae e tlameha ho ikobela moralo wa leano jwalo ka ha o entswe ke SRSA/SASC.
motho ke motho ka batho?
b Ho hlahisa mokgwatsamaiso wa ho fetiswa ho tloha ho ipapalleng feela ho ya papading boemong bo hodimo ho ba bontsha bokgoni.
c Tshebetso e ntlafetseng dipapading tse kgolo tsa matjhaba.
d Ho kenya letsoho popong ya baahi ba phethahetseng, ba bontshang boikarabelo, ba ikobelang tayo, mme ba phetseng hantle.
Re tshepa hore tokomane ena e tla kgothalletsa boiqapelo ho mmadi ho qapa mananeo a tobileng ao mmoho a tla fana ka moelelo lepetjong la kgothalletsa papadi setjhabeng, hammoho le bophelo bo ntlafetseng ho MaAfrika Borwa ohle.?
Ho feta moo, tokomane ena e reretswe ho fana ka moralo o tla thusa ho etswa ha molao o tla netefatsa hore tse tla unwa ha di kenyelletswe le ho hlabollwa feela, empa tswelopele eo e se hlole e fetoha.
Tlhahlobo ya tokomane ena le yona e bontsha hore ditshisinyo di ka kgonahala, ha feela menyetla ya tshebetsokopanelo e ka sebediswa.
Ka ya pele ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, re hopotse ho hlapolla tse bakwang ke tlhokeho ya boikarabello: Ho tla ba le mesebetsi e hlakisitsweng hantle ditabeng tsohle tsa dipapadi.
Re boela re tshepa hore ka ya bobedi le ya boraro ho tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona ditlhokeho tsa tse sebediswang le batho ba sebeletsang dipapadi le di ke ke tsa tlohelwa matsohong a difedereishene tsa naha le ha di ena le maikutlo a matle, haholoholo ha ho shejwa kgahello ya mehlodi ya ditjhelete eo ba tjamelaneng le yona. Ho ya bone ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona re kgothalletsa batho ba batjha ho bapala le ho ithabisa dipapading tse ngata tse lokiseditsweng merero eo; ho qoholla ba nang le talente sehlopheng sena le ho ba thusa ho ntshetsa pele papadi e le mosebetsi ho bona. Re bile re lakatsa ho kgothalletsa ba fihlileng pheletsong ya papadi jwalo ka mosebetsi ho kumela ba hlokang tataiso botsebi ba bona mafapheng a bokwetlisi, boletsaphala le taolo.
Ya bohlano ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona e bontsha hore le ha ka nako tse ding katleho e fihlelwa ho ntse ho ena le bofokodi tlhophisong, dimedale ha di fumanwe feela. Boitokisetso ke ntho ya pele.
Ya botshelela ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, le ha e sa laele, e fadimehisetsa tlhokeho ya hore dipapadi e se be ntho ya maemo a monate feela, empa ho bonwe ho etswa tsa seAfrika e le sesebediswa se tla isa boitjarong ba nako e telele?
Ho ya bosupa ho tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona re bua ka motheo wa ho hlokeha ha leeme papading, mme re fana ka tataiso ya boitshwaro bo lebelletsweng dihlopheng tsohle.
Ka ha dipapadi e le ntho ya matjhaba, ya borobedi ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, e bontsha tlhokeho ya ho ba le leano la dikamano tsa matjhaba moo tikoloho ya dipapadi e ka bang le seabo sa bohlokwa.
Ha re qetella, leano lena ha se pheletso empa ke qaleho ya leeto. Leeto leo ho lona setjhaba sohle sa rona se ka fihlellang dipapadi le boikgathollo ka tekatekano, ekasitana le menyetla e mengata ya ho ntshetsa pele ditalente tsa bona.
<fn>sot_Article_National Language Services_Kholera keng.txt</fn>
Kholera ke lefu leo motho a le fumanang ka ho nwa metsi kapa ho ja dijo tse nang le kokwanahloko ya ya kholera.
Kokwanahloko e bakang kholera e fumaneha mantling a motho.
Ka ho nwa metsi le ho ja dijo tse nang le kokwanahloko ya kholera.
Seke wa sebedisa jwalo ka ntlwana, empa sebedisa ntlwana ya VIP kapa ya mokoti.
Hatlela matsoho a hao ka metsi a bidisitsweng kapa a hlwekisitsweng ka mora ho sebedisa ntlwana le pele o tshwara dijo.
O ka thusa motho ya seng a na le kholera jwang?
Nka litara ya metsi a bidisitsweng kapa a hlwekisitsweng, tshela kgabana tse 8 tsa tswekere le halofo ya kgabana ya letswai mme o di kopanye kaofela.
Fana ka motswako ona ka methangwana makgetlo a mangata ka moo ho ka kgonehang ka teng.
Ha o batla tlhahisoleseding ya tlatsetso, kapa o nahana hore o ka nna ya ba o tshwerwe ke kholera, kapa setho sa lelapa la hao bodulong motho eo o mo tsebang, etela tliniki e haufi, sepetlele, ngaka kapa mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEANO LA NAC MABAPI L.txt</fn>
Khansele ya Naha ya Bonono e leng National Arts Council NAC, hantlentle e amohetse hore e tla fana ka dithuso tsa ditjhelete tsa dibasari ho di-institjhushene hore e tle e abelwe baithuti ba tshwanelehang ba ithutelang tsa bonono?
Le ha ho le jwalo, moithuti ka mong ya nang le botsebi bo ikgethang kapa ya ithutelang mangolo a post graduate di-institjhusheneng tse sa etsang kopo ya thuso ya tjhelete, le bona ba ka elwa hloko bakeng sa dibasari ka ho ya ka ditataiso tsa NAC.
Ke ka baka lang ho bang le dikabo tsa di-institjhushene?
Hona ho neha di-institjhushene monyetla wa ho etsa, ho laola le ho lekola dikabo ka ho ya ka mokgwa o itseng wa thuso ya ditjhelete.
Hona ho neha NAC monyetla wa ho hlahisa leano la yona la ditokiso.
Hona ho bopa bokgoni ka hara di-institjhushene mme ho fokotsa mosebetsi wa tsamaiso.
Ka moo e sebetsang ka teng?
Baithuti ka bong ba tla etsa kopo ka ho toba institjhusheneng eo ba ingodisitseng ho yona. Di-institjhushene di tla bopa motheo wa dikopo tsa block funding ho tswa NAC. Diphanele tsa dikeletso di behwa ho lekola ditlhoko tsa institjhushene ka nngwe e be di aba ditjhelete ka ho latela ditataiso tsa NAC. Diphanele di lekola di-institjhushene ho tswa tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona diforomong tsa kopo.
Diphanele tsa dikeletso di etsa dikgothaletso tse itseng ka ho ya ka mokgwa oo tjhelete e lokelwang ho ajwa ka teng ke institjhushene kapa di ka dumella institjhushene, ha e na le botshepehi bo lekaneng, ho beha kabo ka boyona ka ho ya ka leano la NAC.
Di-institjhushene di tlameha ho romela raporoto e felletseng ho to the NAC ya ka moo ditjhelete di abilweng ka teng ekasitana le diphetho tsa baithuti bao ba fumanang thuso ya tjhelete. Raporoto ena e tla lekolwa ke diphanele.
Ditjeo tsohle di lokelwa ho bontshwa ka Diranta tsa Afrika Borwa.
R X dikgwedi tse...
R X dikgwedi tse...
R X dikgwedi tse...
Bolela dithuso tse ding tsohle tseo o kileng wa di fumana.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena ekasitana le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Fana ka dintlha tsa ka moo lefapha kapa institjhushene e thusang baithuti ka teng (ntle le dithuso tsa ditjhelete tsa NAC).
Ho hoketswe tekanyetso e nngwe ya ditjhelete (moo ho hlokehang).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA BOLAODI BO.txt</fn>
Karolo ya 14 ya Molao wa Kgothalletso ya Phumantsho ya Lesedi e hlalosa, hara tse ding, hore Mohlanka wa lesedi wa mokgatlo wa setjhaba o lokela ho ngola pampitshana ya tshebetso e mabapi le mokgatlo wa hae wa setjhaba nakong ya dikgwedi tse tsheletseng karolo eo e qadile ho sebetsa. Le ha ho le jwalo tlhaloso ena e ka fetolwa ke diphetoho tse ka etswang ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo bakeng sa ho etswa ha pampitshana eo ya tshebetso le ho phatlalatswa ha yona Koranteng ya Mmuso.
Phatlalatso ya pampitshana ena ya tshebetso ya Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo, ICD ka bokgutshwane, e thusa ho matlafatsa tse fuperweng ke karolo eo ya 14, le ho matlafatsa ditokelo tsa motho tsa motheo tsa ho fumantshwa lesedi le matsohong a Bolaodi bo ikemetseng ba ditletlebo, leo a le hlokang ho sebedisa ditokelo tsa hae le hona ho di sireletsa.
ICD ke karolo e hlophisitsweng ka hara Tshebeletso ya Setjhaba. Sena se bolela hore, lebitsong la Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (Phatlalatso ya 103 ya 1994) ICD e nkuwa e le lefapha la mmuso.
ICD ke lefapha la mmuso la naha, mme e na le dibopeho tsa naha le tsa provinse. Sebopehong sa naha e okametswe ke Molaodi wa Phethahatso, mme provinseng e okametswe ke Hlooho ya Provinse. Dihlooho tsa Diprovinse tsa ICD di ikarabella ho Molaodi wa Phethahatso le ho laolwa ke yena.
Molaodi wa Phethahatso o behwa ke Letona la Paballeho le Polokeho ho ya ka tsamaiso e behilweng ke Letona tumellanong le Dikomiti (Dipotfolio) tsa Palamente. Basebetsi ba bang ba ICD ke batho ba behilweng ke Molaodi wa Phethahatso tumellanong le Letona la Paballeho le Polokeho ho ya ka melao e laolang tshebeletso ya setjhaba le batho ba bang ba ka romelwang nakwana kapa ba fetisetswa ruri ho ICD.
Ntlokgolo ya ICD e Pretoria.
a Tsamaiso ya mokgatlo, ho kenyelletswa le Ditshebeletso tsa mokgatlo, Ditshebeletso tsa molao, Tsamaiso ya basebetsi, Thekenoloji ya Lesedi, Ditshebeletso tsa Phumantsho ya Disebediswa, Bohlakisi ba ka hare le Polokeho; le b Tsamaiso ya Tshebetso, ho kenyelletswa le Dipatlisiso, Ngodiso, Bodisa le Ntshetsopele Diphuputso.
Mosebetsi wa mantlha le taelo ya molao (ho ya ka Molao wa Tshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, Molao wa 68 wa 1995) ya ICD ke ho netefatsa hore ditletlebo mabapi le ditlolo le boitshwaro bo bobe bo bolelwang bo entswe ke ditho tsa Tshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Masepala (MPS) (Metseng ya ditoropo) di batlisiswa hantle le ka ho phethahala.
Ka sena molao o hlile o ikemiseditse ho fa ICD boikarabelo le mosebetsi wa ho disetsa setjhaba ke SAPS boo ho buuwang ka bona karolong ya 222 ya Molaotheo wa nakwana wa 1993. Karolo ena e hlalosa hore "ho tla thehwa le ho tsamaiswa ka Molao wa Palamente tsela e ikemetseng e laolwang ke setjhaba, ka sepheo sa ho netefatsa hore ditletlebo mabapi le ditlolo le boitshwaro bo bobe bo bolelwang bo entswe ke ditho tsa [Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa] di fuputswa hantle le ka ho phethahala."
c e ka fuputsa taba efe kapa efe e fetiseditsweng ho yona ke Letona la Paballeho le Polokeho kapa ke setho sa lekgotla la provinse.
Hodima tse seng di boletswe, mesebetsi ya ICD e ile ya boela ya eketswa ka Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng wa 1998 (Molao wa 112 wa 1998). Molao ona o hlalosa hore ho hloleha ha setho sa SAPS ho ikamahanya le seo se lokelang ho se etsa ho ya ka Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng kapa Taelo ya Naha e ntshitsweng ho ya ka Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng, ke boitshwaro bo bobe jwalo ka ha o fuperwe ke Molao wa SAPS, mme ICD e lokela ho behelwa bofokodi boo ka ho otloloha. Hore molao ona o phethahale ho hlakile hore ICD e lokela ho sebedisa matla a yona a ho disa setjhaba ho netefatsa hore mefuta e jwalo ya boitshwaro bo bobe e batlisiswa hantle le ka ho phethahala ke SAPS.
Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng o boela o hlalosa hore, ntle le ha ICD e ka laela ka mokgwa o mong tabeng e itseng, SAPS e lokela ho nka mehato ya tayo mabapi le setho sefe kapa sefe sa SAPS se bolelwang se sitwa ho ikamahanya le se se tlamang ho ya ka Molao wa Tlhekefetso ya malapeng. Moalo ona o bonahala ka hore ICD e lokela ho ikekeletsa mosebetsi ka ho lekola dikopo tsa ho lokollelwa ho nka mehato ya tayo tse tswang ho SAPS. Ka ho etsa hona ICD e etsa mosebetsi wa ho nnetefatsa hore SAPS ha e iphapanye mehato ya tayo maemong a dumelang hore e etse jwalo.
Ho phethahatsa mesebetsi ena yohle e boletsweng ya ICD, ICD e sebetsa e ikemetse, e sa itshetleha ka SAPS le MPS.
a ICD ha se karolo ya Lefapha la Paballeho le Polokeho, ebile ha e wele tlasa lona e dutse e le Karolwana e ka thoko, e ikgethang, mme e ikemetseng ka hara Tshebeletso ya Setjhaba le ha e ntse e kopanetse Letona - Letona la Polokeho le Paballeho - le SAPS.
b ICD e na le mohlanka wa yona ya ikarabellang Molaodi wa Phethahatso mme le ditekanyetso tsa yona tsa selemo di lebiswa ho yona ka ho otloloha ke Palamente, ka voutu e ka thoko.
Mohlanka wa Lesedi wa ICD e ka boela ya eba motho ofe kapa ofe ya tshwereng mokobobo mosebetsing oo.
Tataiso ena e sa ntsane e lokela ho hlophiswa ke Khomishene ya ditokelo tsa botho ya Afrika Borwa ho ya ka karolo ya 10 . Ka hona ha ho kgonahale ho fana ka tlhaloso ya tataiso eo pampitshaneng ena ya tshebetso jwalo ka ha karolo ya 14 (c) e laela.
Foromo ya A, e fumanehang a ofising ya Motlatsi wa Mohlanka wa Lesedi ya kgethilweng, eo dintlha tsa ho ikopanya le yena di hlahisitsweng seratswaneng sa 2.2 se fetileng; kapa b ho e nngwe le e nngwe ya dikantoro tsa provinse tsa ICD tse bontshitsweng seratswaneng sa 1.1 sa pampitshana ena ya tshebetso.
f ebang kopo e etswa lebitsong la motho e mong, o lokela ho fana ka bopaki ba boemo boo mokopi a etsang kopo ka bona, mme bo kgotsofatse Motlatsi wa Mohlanka wa Lesedi.
Ha a qetile ka kopo ya hae, mokopi o lokela a ho romela kopo eo ya hae ka ho otloloha ho Motlatsi wa Mohlanka wa Lesedi, jwalo ka ha ho bontshitswe seratswaneng sa 2.2 pampitshaneng ena ya tshebetso, atereseng ya hae kapa nomorong ya feks kapa atereseng ya hae ya elektroniki; kapa b ho isa kopo ya hae ofising e haufi ya provinse ya ICD eo dintlha tsa yona ka botlalo di hlahisitsweng seratswaneng sa 1.1. sa pampitshana ena ya tshebetso. Ha ho le jwalo kantoro ya provinse ya ICD e tla re hoba e amohele kopo e fe mokopi setlankana se pakang ho amohelwa ha kopo ke ofisi eo.
Mokopi, eo ka baka la ho se tsebe ho bala kapa ka baka la boqhwala, a sa kgoneng ho etsa kopo ya ho fumantshwa rekoto ya ICD ho ya ka diratswana tsa le 4.1.2 tsa pampitshana ena ya tshebetso, a ka etsa kopo eo ka molomo.
a Mohlanka wa Lesedi ya kgethilweng b Hlooho ya provinse kapa eo a mo fileng matlaya ofisi ya provinse eo mokopi e ileng ho yona ho ya etsa kopo eo ya molomo.
Motlatsi wa Mohlanka wa Lesedi ya kgethilewng o tla ngola kopo eo ya molomo fatshe mme a fe mokopi khopi ya yona. Ebang mokopi a entse kopo ya hae ho Hlooho ya provinse eo ho buuang ka yona seratswaneng sa 4.1.4(b) sa pampitshana ena ya tshebetso, Hlooho eo ya provinse e tla ngola kopo eo fatshe mme e fe mokopi khopi ya yona.
Ha mokopi a tsebisa Motlatsi wa Mohlanka wa Lesedi ya kgethilweng, kapa moo ho hlokahalang, Hlooho ya provinse kapa moemedi wa hae, hore o lakatsa ho etsa kopo ya ho fumantshwa rekoto ya ICD, Mohlanka wa Lesedi ya kgethilweng o tla fana ka thuso e jwalo ntle le tefo, e le ho thusa mokopi ho ipapisa le diratswana tsa 4.1.1 le 4.1.2 tsa pampitshana ena ya tshebetso.
a fana ka thuso e hlokahalang ho etsa hore mokopi a kgone ho etsa kopo ho Mohlanka wa Lesedi wa mokgatlo wa setjhaba o nepahetseng; kapa b fetisetsa kopo eo ho mohlanka wa lesedi ya lokelang, ho tla tswa feela ho hore naa ke mokgwa ofe o tla potlakisa ho sebetswa ha kopo eo.
Ebang mokopi a entse kopo ya ho fumantshwa rekoto e sa tsamaelaneng le diratswana tsa 4.1.1 le 4.1.
c ka moo ho ka kgonahalang ka teng, a ka fa mokopi lesedi lohle, ho kenyelletswa le lesedi mabapi le direkoto ntle le lesedi leo kopo e ka hanwang kapa e lokelang ho hanwa ka lona ho ya ka tse fuperweng ke Kgaolo ya 4 ya Karolo ya 2 ya Molao oo tse matsohong a ICD tse amanang le kopo, tse ka thusang ho etsa kopo ka mokgwa o jwalo; mme d a file mokopi sebaka se lekananeng ho tiisa kopo ya hae kapa ho e fetola hore e tsamaellane le diratswana tsa 4.1. le 4.1.2 tsa pampitshana ena ya tshebetso.
i Direkoto tsa difaele tsa motho ka mong tsa basebetsi.
c Direkoto tse mabapi le maeto a mosebetsi.
c Direkoto tse amanang le tlhokomelo ya ditaba tse bolokilweng ke ICD.
Komiti ya Bohlakisi.
d Dipehelo tsa Bohlakisi ba ka hare.
e Direkoto tse mabapi le manollo ya boraditaba.
Ramatlotlo wa naha le Mohlakisi-kakaretso.
Tlhekefetso Malapeng; le d Direkoto tse mabapi le thupelo ya badisa.
i Direkoto tse mabapi le bafani ba ditaba ba ka ntle ba ngodisitsweng ke Molaodi wa Phethahatso.
d Direkoto tse mabapi le Lenaneo la Thuso ya Basebetsi.
Ere ka ha Mohlanka wa Lesedi ha a eso fe Letona la Toka le Tlhabollo ya Molaotheo, ho ya ka karolo ya 15 , tlhaloso ya dihlopha tsa direkoto tsa ICD tse ka fumanehang feela ntle le hore motho a etse kopo ya phumantsho ho ya ka Molao, Letona leo, ka baka leo, ha le eso ka le phatlalatsa temoso eo Koranteng ya Mmuso ho ya ka karolo ya 15 . Le ha ho le jwalo, dntlha ka botlalo mabapi le temoso eo ho ya ka karolo ya 15 di tla phatlalatswa pampitshaneng ya tshebetso ya ICD e ntlafaditsweng kgweding ya Hlakola 2004.
Ho batlisiswa ha ditletlebo tse amohelwang ho tswa setjhabeng mabapi le boitshwaro bo bobe kapa tlolo kapa ditlolo tsa molao tse bolelwang di entswe ke ke setho kapa ditho tsa SAPS kapa tsa MPS: E lokela ho ba ditletlebo tse nang le motheo, tse utlwahalang.
kapa ka lebaka la diketso tsa SAPS kapa MPS.
Ho tsebiswa ha batletlebi nako le nako ka tema e seng e kgathilwe dipatlisisong tsa ditaba tsa bona.
Ho fana ka tshebeletso ya boahlodi moo ho hlokahalang ho batho ba bileng le mathata a tshebeletso ao ho ona ditho tsa SAPS le MPS di amehang.
moo ho bolelwang hore setho kapa ditho tsa SAPS kapa MPS ha di a etsa ka moo di lokelang ho ya ka Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng.
Ho tsamaisa mananeo a phadimehiso setjhabeng, haholoholo nakong tsa beke ya Imbizo, Matsatsi a 16 a ho Emela Tlhekefetso ya Basadi ka Maoto, letsatsi la tlwaelo le Letsatsing la matjhaba la diqhwala.
Ho hasanya dipampitshana tse hlalosang mesebetsi ya ICD hara setjhaba.
Ho ba le seabo matsholong a mmuso ao sepheo sa ona e leng ho kgothalletsa phadimeho ya setjhaba mabapi le HIV/AIDS, ditaba tsa batjha le ditokelo tsa bana le tsa diqhwala, thibelo ya tlhekefetso ya basadi le bana e etelletsweng pele ke mmuso ka ho ntlafatsa tsebo ya setjhaba ka ditaba tse mabapi le tekatekano ya bong le ditokelo tsa basadi, hammoho le phediso ya mefuta yohle ya tlhekefetso, ho kenyelletswa le tlhekefetso ka motabo le kgethollo ya botjhaba.
Afrika Borwa le tsa Masepala ho ICD ofising e haufi le yena ho tse boletsweng seratswaneng sa 1.1 sa pampitshana ena ya tshebetso.
Setjhaba le sona se bolokolohing ba ho hlahisa ditletlebo tsa sona mabapi le ho se sebeletswe hantle ke ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa kapa tsa Masepala diofising tsa ICD tse haufinyana jwalo ka ha di boletswe seratswaneng sa 1.1 sa pampitshana ena ya tshebetso.
Tlhekefetso ya malapeng o di laelang ka teng, a ka tlaleha ho iphapanya boikarabelo hoo ha ditho tse boletsweng ho ICD ofising e haufinyana ho tse boletsweng seratswaneng sa 1.1 sa pampitshana ena ya tshebetso.
ka ho otloloha ka diketso tse jwalo tse entsweng ho bona.
TLHALOSO YA DITLHOPHISETSO TSA KA MOO MOTHO A KA HLAHISANG MAIKUTLO KAPA A BA LE SEABO HO ETSWENG HA LEANO KAPA TSHEBEDISONG YA MATLA KAPA HO ETSENG MOSEBETSI HA ICD KAROLO YA 141g.
ICD ha e na tlhophisetso eo ka yona motho a ka hlahisang maikutlo kapa a ba le seabo kapa a ba le tshusumetso ya ho etswa ha leano kapa tshebediso ya matla kapa ho etswa ha mosebetsi ke ICD. Maano a ICD a hlahiswa ke ICD ka boyona ka hare, ho sa kenyelletswe ho ba le seabo kapa tshusumetso ya motho e mong.
Ho latela karolo ya 74 motho wa boraro a ka etsa boipiletso ba ka hare mabapi le qeto e nkilweng ke Mohlanka wa Lesedi wa ICD ho fana ka tumello ya phumantsho ya rekoto ho Letona la Paballeho le Polokeho.
Mokopi kapa motho wa boraro eo ho buuang ka yena karolong a 74 bona diratswana tsa 8.1.1 le 8.1.2 tsa pampitshana ena ya tshebetso a ka kopa thuso lekgotleng la dinyewe feela ha a se a latetse mehato yohle ya boipiletso ba ka hare mabapi le qeto ya Mohlanka wa Lesedi.
nyeweng ya ditshenyehelo.
Lekgotleng le phahameng la Afrika Borwa, e le kopo e thibelang ICD ho tswela pele kapa e laelang ICD ho phethisa.
Motho ya lakatsang ho tletleba ka boitshwaro bo bobe bo bolelwang bo entswe ke e mong wa basebeletsi ba ICD a ka hlahisa tletlebo eo ho Molaodi wa phethahatso wa ICD.
Mosireletsi wa Setjhaba.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA DIPAPA (1).txt</fn>
Maano a bokolone le apareteite a bakile boemo boo e leng hore tshebediso ya dipuo tse ngata tsa naha e ne e kgellwa fatshe, empa e ne e hatelletswe ka matla a maholo. Hona ho bakile hore ho be le ho se lekane ha dipuo moo e leng hore Senyesemane le Seafrikanse din e di le boemong ba dipuo tsa semmuso, mme ho ne ho etswa ka matla hore di phahamiswe le ho ntshetswa pele ka hohle ka moo ho ka kgonwang ka teng le ha ketso ena e ne e beha dipuo tse ding tsa naha kotsing.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 o hlalosa hore ho se be sebetswe ka leeme tshebedisong ya tsohle tsa semmuso naheng haholoholo mabapi le ho phahamisa le ho ntshetsa pele ha dipuo tsa naha tse neng di kotelwa mehleng e fetileng. Jwalo ka naha ya dipuo tse ngata Molao wa Motheo le ona o amohela hore, ka ntle ho dipuo tse (leshome le motso o le mong) 11 tsa semmuso, ho na le dipuo tse ding tse jwalo ka Senama, Sekhoi, Sesane le Puo ya Matsoho tseo le tsona di lokelang ho phahamiswa le ho ntshetswa pele.
Kgauteng ke porovense ya matjhaba le ya dipuo tse ngata moo ho sa buuweng feela dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Afrika Borwa (Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu), empa ke lelapa la dipuo tse ngata. Taba ena e bakwa ke hore badipolomate, bafallela le baphaphathehi ba tswang dikontinenteng tse ding le dikarolong tse ding tsa lefatshe ba dulang kappa ba mabapi le Kgauteng e le lelapa la bona ka lebaka la boemo ba phedisano ya moruo.
Moralo wa Leano la Porovense ya Kgauteng le ntsheditswe pele ka lebaka la ditlameho tsa Molao wa Motheo wa rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba (le amohetsweng le ho kgakolwa ka selemo sa 2003 Hlakubele) o fanang ka ditokelo tsa molao wa motheo mabapi le tshebediso ya puo le ntshetso pele. Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le batla hore diporovense tsohle dir ale maano a tsona a puo ho ya ka Moralo wa leano la Puo la Setjhaba.
Moralo wa Leano la Porovense la Kgauteng ke se etsahetseng ka lebaka la puisano baamehi ba fapaneng boemong ba setjhaba, porovense, le tikolohong ya lehae. Baamehi bana ba kenyeletsa Lefapha la Bonono le Setho le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba, mafapha a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ho hlokomelwa haholo Lefapha la Thuto la Kgauteng, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, Komiti ya Puo ya Kgauteng, bomasepala, Ofisi ya Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le basebeletsi ba puo. Mokgwa ona wa puisano o tsamaisitswe ke Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono, le Setho le thuswa ke ditsebi tse fapaneng ditshebetsong tsa puo.
Pele ho dipuisano ho ile ha etswa phuputso ya hlahlobo ya puo ke mothusi ya nang le tsebo a batsi ya phuputso le boithuti. Ho ile ha nahanwa hape le ka pokello ya tsebo e teng Palong ya Batho ya 2001; tsebo e tsamaelanang le yona ditokomaneng tsa leano, ha mmoho le sephetho sa Phuputso ya Puo ya Kgauteng.
Boemo bona, bo tsamaelanang le tjhesehelo (e yeng e be ya maikutlo a phahameng) e matla basebeletsing ba puo le baikitlaetsi, e fana ka mosebetsi o thabisang mabapi le Moralo wa Leano la Puo Kgauteng, le batlang haholoholo ho fana ka ditataiso tse batsi tsa ho sebetsa ka mokgwa wa o ka sebediswang wa dipuo tse ngata.
E boela e amohela diphuputso tsa bohlokwa tsa puo ya phedisano tsa setjhaba tse neng di laetswe ke Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 moo sampole e ka bang teng e hlophisitsweng ya Maafrikborwa a dilemo tse 16 le ho feta moo tsa dihlopha tsohle tsa phedisano ho ba phelang mahaeng le ditoropong. Dibaka tseo ho tsepamuweng ho tsona ke puo ya lapeng le tshebediso ya puo dibakeng tsa poraevete le bophelong ba ka mehla, setjhabeng le mekgatlong, puo ya mosebetsi le ho rupela, maikutlo mabapi le leano la puo, le tshehediso e hlakileng ya puo le ya dipuo tse ngata.
Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Moralo wa Leano la Porovense ya Kgauteng le ona o amohela ditlamo tsa Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa, wa 1996 ho ya ka dipehelo tsa tshebediso ya puo sekolong le ka moo Leano la Puo-Thutong le tsamaelanang le maikutlo a thuto.
Sepheo sa Moralo wa Leano la Porovense la Kgauteng ke ho eketsa phahamiso le ntshetsopele ya dipuo tsa naha Kgauteng tse neng di kotetswe.
h Ho phehisa mabapi le ho loela ha demokerasi ya rona, ho hahuwa ha setjhaba sa rona, ha mmoho le ho bontsha hore ka nnete re mmuso o hlokomelang le o phethahatseng.
Karolo ya 29 e bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa ka dipuo tseo ba ikgethelang tsona diinstitusheneng tsa setjhaba moo e leng hore thuto eo e ka rutwa.
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe, hara tse ding, o thusa ho amohela, ho sebedisa le ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata, le ntshetsopele ya dipuo tsa naha tse neng di kotetswe mehleng e fetileng. E boela e laola ho thehwa ha dikomiti tsa porovense tsa puo tse tlamehang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng.
Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ho ya ka Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le se le thehile Komiti ya Puo ya Porovense ya Kgauteng.
Ho ya ka Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa South African Schools Act SASA e maikemisetsong a ho ka fetolwa dibakeng tse ding le ha ho le jwalo e thusa ha jwale mabapi le Letona la Thuto, ho ya ka Molao wa Motheo le ka mora hoba ho buisanwe le Lekgotla la Matona, ho batlisisa mekgwa le boemo ba leano la puo dikolong tsa setjhaba. O boela o hlalosa hore lekgotla le busang la dikolo tsa setjhaba le ka nna la etsa qeto ka leano la puo la thuto ya sekolo Molaong wa Motheo, Molao ona SASA le molao ofe kappa ofe wa porovense o ka sebediswang.
Dipheo tsa Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso di tla thusa ka ho phethisa tokelo ya molao wa motheo wa ho fihlella tsebiso efe kapa efe eo Puso, mekgatlo ya poraevete kapa batho ba lokelang ho kginwa ho ka molao ba nang le yona. Ka ha phihlello e ka nna yaba ha e lebise feela ho ho fumaneng ka bowena tsebiso , empa e le hore e tlalemaha, ka moo e ka kgonang ka teng, ho ba ka puo eo mokopi a ikgethelang yona.
Jwalo ka ha Shejulu ya 4 ya Molao wa Motheo e hlalosa hore puo ke sebaka sa tshebetso sa porovense ha mmo le bokgoni ba porovense, Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le hlalosa hore makala ohle a mmuso (a naha, porovense le mmuso wa lehae) ha mmoho le diinstitushene tse busang setjhaba kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba di tlangwa ke Moralo wa Leano.
Ka ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata, diporovense di lebeletswe ho rala moralo wa leano la tsona la puo ha mmoho le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba ho amohelwa boemo ba lebatowa, ditlhoko le boikgethelo ba baahi ba tsona. Mokgwa ona wa ho sebetsa o tla lebiswa tlase ho mebuso ya lehae e tla rala maano a ona a puo a leha ho latela Moralo wa Leano wa Porovense.
Mmuso le ona o kgothaletswa, moo ho hlokehang teng, ho tshehetsa kgwebo ho ntshetsa pele le ho sebedisa maano a bona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
Leano la Puo-Thutong ke leano la naha la puo le sebetsang dibakeng tsa thuto. Sepheo se ka sehloohong ke ho lokisetsa kgokahano hohle ho ya ka merabe, moetlo, puo le bodumedi, ha ka yona nako eo ho etswa hore ho be le boemo ba hore tlhompho ya dipuo tseo e seng tsa hao e kgothaletswe.
k Ho phahamisa ho fihlella ha tsebiso le ditshebeletso tsa mmuso ka kgokahanyo e phethahatseng.
n K mehla ho lekolwa tshebediso le matla a puo le maano a kgokahanyo le ditshebeletso le ho phettwa hape ho phethahetseng ha ho hlokeha.
Puisano ka dipuo tse 11 tsa naha tsa semmuso e tla hlomphuwa e be e kgothaletswe.
Jwalo ka karolo ya metheo ya yona, Leano la Puo-Thutong le laola hore baithuti bohle ba rutwe ka bonyane puo e le nngwe ya naha, dibaka tsohle tsa ho ithuta puo di tla fuwa mehlodi le nako e tshwanang, mme bolaodi ba phethahatso porovenseng bo tla lekanyetsa leano ka tswelopele ya ditlhoko tse mabapi le dipuo e le dithuto ho ya ka ditlwaelo tsa setjhaba.
Kananelo ya tshebetso ya Moralo wa Leano e tla kenyeletsa Mafapha a Mmuso wa Kgauteng wa Porpovense, Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng, bomasepala ba amohelang tshebediso ya lebatowa ya puo le boikgethelo, le diinstitushene Porovenseng tse ang le matla kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba. Dikgwebo tsa poraevete le mekgatlo eo e seng ya mmuso le yona e tla kgothaletswa ho ntshetsa pele maano a ona a puo ho a ka Moralo wa Leano.
Theibole ka tlase mona e atametsa dipersente tsa tlhahiso ya puo ya lapeng ya Kgauteng le ya Afrika Borwa ho ya ka Palo ya Batho ya 2001.
Dipalo tse ka hodimo mona di bontsha hore isiZulu ke puo ya lapeng e buuwang ke atho ba fetang 20% ya palo ya setjhaba porovenseng le naheng. Ke taba ya bohlokwa hape ho hlokomela hore le ha Senyesemane se sebediswa haholo jwalo ka puo ya kgwebo le saense, e boemong ba bone le ba botshelela porovenseng le naheng ka ho latellana. Hona ho boela ho bontsha hore ha ho puo e okametseng tse ding tsa lapeng porovenseng , empa ho na le tshebediso ya dipuo tse ngata eo e leng hore dipuo tse hlano tse ka hodimo tsa lapeng di buuwa ka botsona ho feta diperesente tse 10 tsa palo ya setjhaba, tseo e reng ha di kopanngwa, di eba 70% tsa palo ya setjhaba tsa porovense.
Tshebediso ya Moralo wa Leano la Puo la Kgauteng le dumelle le be le ele hloko diphaphano tse ka hodimo mona. Ho akanngwa hore dipuo tse ding ha din a dipalo tse hodimo tse kaalo hore di sebediswe porovenseng, di mpa di le hodimo ka dipalo mmusong wa lehae, mme ka lebaka lena di tla amohelwa mmusong wa lehae le mesebetsi ya porovense e tla sebediswa mmusong wa lehae.
Ka selemo sa 2003 Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le ile la laela hore ho be le phuputso ka dintlha tsa puo le kgokahanyo ya mafapha a Mmuso wa Porovense ya Kgauteng. Sepheo sa ho bokella dintlha e ne e le ho lekanyetsa ditlhoko tsa puo (ho kenyeletswa mehlodi) le boikgethelo ba taolo le ditlelaente tsa ditshebeletso tsa porovense.
Ka ho buisana le setjhaba ka dintlha tsa ho sebeletsa (ditshebeletso tsa mantlha), dintlha tse bokelletsweng di fana ka moelelo wa seo boholo ba bahlanka ba mmuso ba se buang le ditlelaente haholo ka puo e le nngwe kapa tse ngata tsa naha ho feta Senyesemane le Seaforikanse le boholo ba basebedisi ba ditshebeletso tsa mmuso di di sebedisang dipuo tsa naha haholo ka teng. Sepetleleng sa porovense, ho tea Mohlala, dintlha tse bokelletsweng di bontshitse hore tshebediso ya puo e etswa ke mohlanka wa mmuso e ne e le 7,9%, 36,8% le 58,5% ka Seaforikanse, Senyesemane le puo ya Afrika ka ho latellana.
Maemo a fetoha taolong ka ha karabo ya moifo wa basebeletsi o ne o re direkoto, pehelo le ho buisana ka semmuso di ne di etswa ka Senyesemane eo e leng hore ha se puo e sebediswang haholo ha ho buuwa ka mehla ke basebeletsi.
E boela e hlwaya tlhokeho e kgolo ya ditshebeletso tsa phetolelo le e bohlokwahadi ya ho sebeletswa ka tshebediso ya puo ya lapeng. Hona ho tla sebediswa ka ho bua le ho ngola.
Le ha ho sa etswa phuputso ya saense, ha se mafapha ohle a fetoletseng ditokomane tsa ona tsa mokgwa wa tshebetso dipuong tse itseng tsa naha. Le ha ditekanyetso tsa ditjhelete tsa mafapha a fapaneng e le tsona di kginang mabapi le ho tswela pele ka matla ho fetolelelng ditokomane tsa mokgwa wa ho sebetsa, ho na le tlwaelo e ntle ya ho fetolela kapa ho toloka ditokomane tsena dipuong tsa naha. Mohlala o le mong e tla ba tshebediso ya dipuo tse pedi tsa naha phetolelong ya Tekanyetso ya Tjhelete ya Porovense ya 2005.
Mmuso wa Porovense ya Kgauteng, jwalo ka ha ho lebeletswe ho ya ka Molao wa Motheo, mme e le mosebetsi o hlokehang le wa maemo, o tla hlompha le ho phahamisa ditokelo, ho kenyeletswa tshebdiso ya puo ya baahi bohle ba porovense ya bona.
Ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng e mong le e mong o tla sebeletswa ka ho bua puo ya hae le ho mo ngolla ka yona kapa ka puo eo a ikgethelang yona ho ya ka ditlhoko tsa Molao wa Motheo le ho ba teng ha mehlodi e ka thusang. Ho ya ka pehelo ya pokello ya dintlha tsa phuputso tse hlalositsweng ka tlasa sehlohwana sa 8, tshebediso ya dipuo tsa naha e opelwa diatla ebile e kgothaletswa ho tswela pele , empa moo sephetho se leng tlase teng, mekgwa ya ho ntshetsa pele ditlhoko tsa maemo tse amohetsweng le tse potlakisitsweng.
Puo ya rekoto ya mosebetsing e ngotsweng Mmusong wa Porovense ya Kgauteng e tla bay a Senyesemane , mme dikgatiso tsa phetolelo di tla ba teng ha di kotjwa ka dipuo tse ding tsa semmuso le ka Boreile moo ho ka kgonehang teng. Moo ho bonahalang e le taba ya bohlokwa teng, ditokomane tse ding di tla fetolelwa palong efe kapa efe ya dipuo tse leshome tsa semmuso, mme di phatlalatswe ka ntle le hore di kotjwe. Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le tla tswela pele ka ho hlahisa direkoto tsa dingagngisano bonyane ka dipuo tse nne tsa semmuso.
Senyesemane le sona se tla sebediswa e le mokgwa wa ho buisana mabapi le tshebedisano ya ka lefapheng le tshebdisano ya mmusong ya kgokahanyo.
Puo ya kgokahanyo ya ka ntle le ya ka hare e tla tataiswa ke tshebediso ya dipuo tse ngata moo boikgethelo ba dipuo bo tla sebetsang ho ya ka sepheo, dikahare, ho ba teng ha mehlodi le bamamedi ba puo. Tshebediso ya puo ditshebeletsong tse ka pele tse jwalo ka dipetlele tsa setjhaba, diteishene tsa sepolesa, dibaka tsa tshebeletso ya setjhaba, diofisi tsa bodulo le Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le lokela ho tswela pele ka ho fana ka diforomo tsa ditshebeletso ka bonyane dipuo tsa naha tse fetang e le nngwe kapa moo hlokehang teng haholo e be ka dipuo tse leshome le motso o le monga tsa semmuso. Re tlameha ho tiisa hape hore ho bat eng ha mehlodi e tla ba e nngwe ya dintho tse tla lekanyetsang.
Thutong, Moralo wa Puo wa Porovense ya Kgauteng o amohela puo ya kgokahanyo le ya ho ruta dikolong jwalo ka e amohetswe ho SASA le Leano la Puo Thutong.
Leano la Puo Thutong porovenseng e tlameha ho lekolwa e le karolo ya Moralo wa Leano la Puo la Kgauteng mabapi le ntshetsopele ya puo thutong.
Kgokahanyo ya Mmuso wa Porovense ya Kgauteng matjhabeng e ye e be ka Senyesemane kapa ka nakwana ka puo e batlwang ya naha eo ha ho ka kgoneha.
Diyuniti tsa Kgokahanyo tsa mafapha a Mmuso wa Porovense a Kgauteng a etelletsweng pele ke Mookamedi ya ka Sehloohong: Dikgokahanyo tsa Mmuso le Ditshebeletso tsa Tsebiso ofising ya Moporemiri di tla thusa le ka ho tataisa Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka mananeo a tla totisa ho phahama ha dipuo tsa semmuso le dipuo tse ding tse tsamaelanang le Molao wa Motheo. Lefapha le leng le le leng la Mmuso wa Porovense wa Kgauteng le tla fumana ditshebeletso tsa puo tsa lona.
Ka selemo foramo ya kgokahanyo ya Mmuso wa Porovense wa Kgauteng e tla, ho ya ka diphuputso tsa yona, ho kenyeletswa ho hlokomela le ho lekola ho phethahatswa ha phahamiso ya puo le mananeo a ntshetsopele a phethwang ke mafapha a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng. Se etsahalang ka mora moo se tla laola hore ho sebetswe jwang le boholo ba ho thusa jwalo bo tla itshetleha hodima mehlodi e teng.
Lefapha la Thuto ka bolona le tla phamisa le ntshetsapele dipuo tse ileng tsa kotelwa mehleng e fetileng jwalo ka ha SASA le Leano la Puo Thutong le boletse.
Jwalo ka karolo ya mesebetsi ya lona, Komiti ya Puo ya Porovense ya Kgauteng e tla eletsa Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka ditaba le merero e tla thusa ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo haholoholo dipuo tsa naha tse neng di le ka mosing mehleng e fetileng.
Ho tlameha hore ho hlaloswe hore boholo boo phahamiso le ntshetsopele ya puo bo bang ka teng bo tla tswa ka kabo ya tekanyetso ya tjhelete le mehlodi e teng.
Ho thehwa ha makala a mang le hore setjhaba se tsebiswe ka puo eo se ikgethetseng sona, le tshebediso ya dipuo tsa sona e tla ba le matla ho ntshetseng pele moifo makaleng ao le mafapheng a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka kakaretso.
Qetellong basebeletsi le baemedi ba setjhaba boemong ba Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ba tsebe tse ding kapa boholo ba dipuo tsa semmuso e le ka sepheo sa ho phethahatsa ho thusa ka ho phethahala le ka bokgoni.
Dintshetsopele tsena ka lebaka lena di hloka hore mafapha a ikemisetse ho reupella le ho ntshetsa pele moifo wa bona o sebetsanang le batho o ka pele ka ho buisana le setjhaba ho ya ka metheo ya Batho Pele.
Ka ho sebetsa mmoho ka ho ntshetsa pele dipuo tsa naha le fetoha ha ka mehla ha bodulo ba batho, ho tla lokela hore, ka tshebetso ya dilemo tse hlano, ho lekolwe hape moralo wa leano ho lekanyetsa hore o sa ntse o loketse dinako tseo ka karolo kapa ka ofela ha ona.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA DIPAPADI,.txt</fn>
Maano a bokolone le apareteite a bakile boemo boo e leng hore tshebediso ya dipuo tsohle tsa naha ntle le tse pedi feela di neng di neng di sa kgwellwe fatshe feela, empa di ne di hatelletswe ka matla a maholo. Senyesemane le Afrikanse di ne di le boemong ba dipuo tsa semmuso, mme ho ne ho etswa ka matla hore di phahamiswe le ho ntshetswa pele ka hohle ka moo ho ka kgonwang ka teng le ha ketso ena e ne e beha dipuo tse ding tsa naha kotsing.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 o hlalosa hore ho se be sebetswe ka leeme tshebedisong ya tsohle tsa semmuso naheng haholoholo mabapi le ho phahamisa le ho ntshetsa pele ha dipuo tsa naha tse neng di kotelwa mehleng e fetileng. Jwalo ka naha ya dipuo tse ngata Molao wa Motheo le ona o amohela hore, ka ntle ho dipuo tse (leshome le motso o le mong) 11 tsa semmuso, ho na le dipuo tse ding tse jwalo ka Senama, Sekhoi, Sesane le Puo ya Matsoho tseo le tsona di lokelang ho phahamiswa le ho ntshetswa pele.
Gauteng ke provense ya matjhaba le ya dipuo tse ngata moo ho sa buuweng feela dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Afrika Borwa (Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu), empa ke lelapa la dipuo tse ngata. Taba ena e bakwa ke hore badipolomate, bafallela le baphaphathehi ba tswang dikontinenteng tse ding le dikarolong tse ding tsa lefatshe ba dulang kapa ba mabapi le Gauteng e le lelapa la bona ka lebaka la boemo ba phedisano ya moruo.
Moralo wa Leano la Provense ya Gauteng le ntsheditswe pele ka lebaka la ditlameho tsa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba (le amohetsweng le ho kgakolwa ka selemo sa 2003 Hlakubele) o fanang ka ditokelo tsa molao wa motheo mabapi le tshebediso ya puo le ntshetso pele. Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le batla hore diprovense tsohle dir ale maano a tsona a puo ho ya ka Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba.
Moralo wa Leano la Provense la Gauteng ke se etsahetseng ka lebaka la puisano baamehi ba fapaneng boemong ba setjhaba, provense, le tikolohong ya lehae. Baamehi bana ba kenyeletsa Lefapha la Bonono le Setho le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba, mafapha a Mmuso wa Provense wa Gauteng ho hlokomelwa haholo Lefapha la Thuto la Gauteng, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, Komiti ya Puo ya Gauteng, bomasepala, Ofisi ya Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le basebeletsi ba puo. Mokgwa ona wa puisano o tsamaisitswe ke Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono, le Setho le thuswa ke ditsebi tse fapaneng ditshebetsong tsa puo.
Pele ho dipuisano ho ile ha etswa phuputso ya hlahlobo ya puo ke mothusi ya nang le tsebo a batsi ya phuputso le boithuti. Ho ile ha nahanwa hape le ka pokello ya tsebo e teng Palong ya Batho ya 2001; tsebo e tsamaelanang le yona ditokomaneng tsa leano, ha mmoho le sephetho sa Phuputso ya Puo ya Gauteng.
Boemo bona, bo tsamaelanang le tjhesehelo (e yeng e be ya maikutlo a phahameng) e matla basebeletsing ba puo le baikitlaetsi, e fana ka mosebetsi o thabisang mabapi le Moralo wa Leano la Puo Gauteng, le batlang haholoholo ho fana ka ditataiso tse batsi tsa ho sebetsa ka mokgwa wa o ka sebediswang wa dipuo tse ngata.
E boela e amohela diphuputso tsa bohlokwa tsa puo ya phedisano tsa setjhaba tse neng di laetswe ke Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 moo sampole e ka bang teng e hlophisitsweng ya Maafrikborwa a dilemo tse 16 le ho feta moo tsa dihlopha tsohle tsa phedisano ho ba phelang mahaeng le ditoropong. Dibaka tseo ho tsepamuweng ho tsona ke puo ya lapeng le tshebediso ya puo dibakeng tsa poraevete le bophelong ba ka mehla, setjhabeng le mekgatlong, puo ya mosebetsi le ho rupela, maikutlo mabapi le leano la puo, le tshehediso e hlakileng ya puo le ya dipuo tse ngata.
Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Moralo wa Leano la Provense ya Gauteng le ona o amohela ditlamo tsa Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa, wa 1996 ho ya ka dipehelo tsa tshebediso ya puo sekolong le ka moo Leano la Puo-Thutong le tsamaelanang le maikutlo a thuto.
Sepheo sa Moralo wa Leano la Provense la Gauteng ke ho eketsa phahamiso le ntshetsopele ya dipuo tsa naha Gauteng tse neng di kotetswe.
h Ho phehisa mabapi le ho loela ha demokerasi ya rona, ho hahuwa ha setjhaba sa rona, ha mmoho le ho bontsha hore ka nnete re mmuso o hlokomelang le o phethahatseng.
Karolo ya 29 e bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa ka dipuo tseo ba ikgethelang tsona diinstitjhusheneng tsa setjhaba moo e leng hore thuto eo e ka rutwa.
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe, hara tse ding, o thusa ho amohela, ho sebedisa le ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata, le ntshetsopele ya dipuo tsa naha tse neng di kotetswe mehleng e fetileng. E boela e laola ho thehwa ha dikomiti tsa provense tsa puo tse tlamehang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng.
Mmuso wa Provense wa Gauteng ho ya ka Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le se le thehile Komiti ya Puo ya Provense ya Gauteng.
Le ha Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa South African Schools Act SASA o le maemong a ho fetolwa, ha ho le jwalo, ha jwale o thusa Letona la Thuto, ho ya ka Molao wa Motheo le ka mora hoba ho buisanwe le Lekgotla la Matona, ho batlisisa mekgwa le boemo ba leano la puo dikolong tsa setjhaba. O boela o hlalosa hore lekgotla le busang la dikolo tsa setjhaba le ka nna la etsa qeto ka leano la puo la thuto ya sekolo Molaong wa Motheo, Molao ona SASA le molao ofe kapa ofe wa provense o ka sebediswang.
Dipheo tsa Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso di tla thusa ka ho phethisa tokelo ya molao wa motheo wa ho fihlella tsebiso efe kapa efe eo mmuso, mekgatlo ya poraevete kapa batho ka ho latela dipehelo tse nkuwang di lokile. Pihlello e jwalo ha e bue feela ka ho fumana tsebiso ka bowena , empa le hore ha ho kgoneha, e be ka puo eo mokopi a ikgethelang yona.
Jwalo ka ha Shejulu ya 4 ya Molao wa Motheo e hlalosa hore puo ke karolo ya tshebetso ya provense ha mmoho le bokgoni ba provense, Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba o hlalosa hore makala ohle a puso (ya naha, diprovense le ya lehae) ha mmoho le diinstitjhushene tse busang setjhaba kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba di tlangwa ke Moralo wa Leano.
Ka ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata, diprovense di lebeletswe ho rala moralo wa leano la tsona la puo o latelang Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba mme ho ntse ho elwa hloko mabaka a leng teng lebatoweng, ditlhoko le boikgethelo ba baahi ba provense. Mokgwa ona wa ho sebetsa o tla lebiswa tlase ho mebuso ya lehae e tla rala maano a ona a puo a tla latela Moralo wa Leano wa Provense.
Mmuso le ona o kgothaletswa, moo ho hlokehang teng, ho tshehetsa kgwebo ho ntshetsa pele le ho sebedisa maano a bona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
Leano la Puo-Thutong ke leano la naha la puo le sebetsang dibakeng tsa thuto. Sepheo se ka sehloohong ke ho lokisetsa kgokahano hohle ho ya ka merabe, moetlo, puo le bodumedi, ha ka yona nako eo ho etswa hore ho be le boemo ba ho kgothaletsa ho hlompa dipuo tseo e seng tsa hao.
k Ho phahamisa ho fihlella ha tsebiso le ditshebeletso tsa mmuso ka kgokahano e phethahatseng.
n Ka mehla ho lekolwa tshebediso le matla a puo le maano a kgokahano le ditshebeletso le ho phettwa hape ho phethahetseng ha ho hlokeha.
Puisano ka dipuo tse 11 tsa naha tsa semmuso e be ntho e hlomphuwang hape e kgothaletswang.
Leano la Puo-Thutong le bolela hore baithuti bohle ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ithuta bonyane puo e le nngwe ya naha, dibaka tsohle tsa ho ithuta puo di fuwe mehlodi le nako e tshwanang, mme bolaodi ba phethahatso provenseng bo lekanyetse leano ka tswelopele ya ditlhoko tse mabapi le dipuo e le dithuto ho ya ka ditlwaelo tsa setjhaba.
Kananelo ya tshebetso ya Moralo wa Leano e tla kenyeletsa Mafapha a Mmuso wa Provense ya Gauteng, Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng, bomasepala (ho ntse ho elwa hloko tshebediso ya puo lebatoweng mmoho le boikgethelo), le diinstitjhushene Provenseng tse nang le matla kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba. Dikgwebo tsa poraevete le mekgatlo eo e seng ya mmuso le yona e tla kgothaletswa ho ntshetsa pele maano a ona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
Theibole e ka tlase mona e atametsa dipersente tsa tlhahiso ya puo ya lapeng ya Gauteng le ya Afrika Borwa ho ya ka Palo ya Batho ya 2001.
Dipalo tse ka hodimo mona di bontsha hore isiZulu ke puo ya lapeng e buuwang ke batho ba fetang 20% ya palo ya setjhaba provenseng le naheng. Ke taba ya bohlokwa hape ho hlokomela hore le ha Senyesemane se sebediswa haholo jwalo ka puo ya kgwebo le saense, e boemong ba bone le ba botshelela provenseng le naheng ka ho latellana. Hona ho boela ho bontsha hore ha ho puo e okametseng tse ding tsa lapeng provenseng , empa ho na le tshebediso ya dipuo tse ngata eo e leng hore dipuo tse hlano tse ka hodimo tsa lapeng di buuwa ka botsona ho feta dipersente tse 10 tsa palo ya setjhaba, tseo e reng ha di kopanngwa, di eba 70% tsa palo ya setjhaba tsa provense.
Ho kengwa tshebetsong ha Moralo wa Leano la Puo la Gauteng ho lokela ho ela hlokole dumelle le be le ele hloko diphaphano tse ka hodimo mona. Ho akanngwa hore dipuo tse ding ha din a dipalo tse hodimo tse kaalo hore di sebediswe provenseng, di mpa di le hodimo ka dipalo mmusong wa lehae, mme ka lebaka lena di tla amohelwa mmusong wa lehae le mesebetsi ya provense e tla sebediswa mmusong wa lehae.
Ka selemo sa 2003 Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le ile la laela hore ho be le phuputso ka dintlha tsa puo le kgokahano ya mafapha a Mmuso wa Provense ya Gauteng. Sepheo se seholo sa ho bokella dintlha e ne e le ho lekanyetsa ditlhoko tsa puo (ho kenyeletswa mehlodi) le boikgethelo ba taolo le ditlelaente tsa ditshebeletso tsa provense.
Ka ho buisana le setjhaba ka dintlha tsa ho sebeletsa (ditshebeletso tsa mantlha), dintlha tse bokelletsweng di fana ka moelelo wa seo boholo ba bahlanka ba mmuso ba se buang le ditlelaente haholo ka puo e le nngwe kapa tse ngata tsa naha ho feta Senyesemane le Afrikanse le boholo ba basebedisi ba ditshebeletso tsa mmuso di di sebedisang dipuo tsa naha haholo ka teng. Sepetleleng sa provense, ho tea mohlala, dintlha tse bokelletsweng di bontshitse hore tshebediso ya puo e etswa ke mohlanka wa mmuso e ne e le 7,9%, 36,8% le 58,5% ka Afrikanse, Senyesemane le puo ya Afrika ka ho latellana.
Maemo a fetoha taolong ka ha karabo ya moifo wa basebeletsi o ne o re direkoto, pehelo le ho buisana ka semmuso di ne di etswa ka Senyesemane eo e leng hore ha se puo e sebediswang haholo ha ho buuwa ka mehla ke basebeletsi.
E boela e hlwaya tlhokeho e kgolo ya ditshebeletso tsa phetolelo le e bohlokwahadi ya ho sebeletswa ka tshebediso ya puo ya lapeng. Hona ho tla sebediswa ka ho bua le ho ngola.
Le ha ho sa etswa phuputso ya saense, ha se mafapha ohle a fetoletseng ditokomane tsa ona tsa mokgwa wa tshebetso dipuong tse itseng tsa naha. Le ha ditekanyetso tsa ditjhelete tsa mafapha a fapaneng e le tsona di kginang mabapi le ho tswela pele ka matla ho fetoleleng ditokomane tsa mokgwa wa ho sebetsa, ho na le tlwaelo e ntle ya ho fetolela kapa ho toloka ditokomane tsena dipuong tsa naha. Mohlala o le mong e tla ba tshebediso ya dipuo tse pedi tsa naha phetolelong ya Tekanyetso ya Tjhelete ya Provense ya 2005.
Mmuso wa Provense ya Gauteng, jwalo ka ha ho lebeletswe ho ya ka Molao wa Motheo, mme e le mosebetsi o hlokehang le wa maemo, o tla hlompha le ho phahamisa ditokelo, ho kenyeletswa tshebdiso ya puo ya baahi bohle ba provense ya bona.
Ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng e mong le e mong o tla sebeletswa ka ho bua puo ya hae le ho mo ngolla ka yona kapa ka puo eo a ikgethelang yona ho ya ka ditlhoko tsa Molao wa Motheo le ho ba teng ha mehlodi e ka thusang. Ho ya ka pehelo ya pokello ya dintlha tsa phuputso tse hlalositsweng ka tlasa sehlohwana sa 8, tshebediso ya dipuo tsa naha e opelwa diatla ebile e kgothaletswa ho tswela pele , empa moo sephetho se leng tlase teng, mekgwa ya ho ntshetsa pele ditlhoko tsa maemo tse amohetsweng le tse potlakisitsweng.
Puo ya rekoto ya mosebetsing e ngotsweng Mmusong wa Provense ya Gauteng e tla ba Senyesemane , mme dikgatiso tsa phetolelo di tla ba teng ha di kotjwa ka dipuo tse ding tsa semmuso le ka Boreile moo ho ka kgonehang teng. Moo ho bonahalang e le taba ya bohlokwa teng, ditokomane tse ding di tla fetolelwa palong efe kapa efe ya dipuo tse leshome tsa semmuso, mme di phatlalatswe ka ntle le hore di kotjwe. Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le tla tswela pele ka ho hlahisa direkoto tsa dingagngisano bonyane ka dipuo tse nne tsa semmuso.
Senyesemane le sona se tla sebediswa e le mokgwa wa ho buisana mabapi le tshebedisano ya ka lefapheng le tshebedisano ya mmuso ya kgokahano.
Puo ya kgokahano ya ka ntle le ya ka hare e tla tataiswa ke tshebediso ya dipuo tse ngata moo boikgethelo ba dipuo bo tla sebetsang ho ya ka sepheo, dikahare, ho ba teng ha mehlodi le bamamedi ba puo. Tshebediso ya puo ditshebeletsong tse ka pele tse jwalo ka dipetlele tsa setjhaba, diteishene tsa sepolesa, dibaka tsa tshebeletso ya setjhaba, diofisi tsa bodulo le Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le lokela ho tswela pele ka ho fana ka diforomo tsa ditshebeletso ka bonyane dipuo tsa naha tse fetang e le nngwe kapa moo hlokehang teng haholo e be ka dipuo tse leshome le motso o le monga tsa semmuso. Re tlameha ho tiisa hape hore ho bat eng ha mehlodi e tla ba e nngwe ya dintho tse tla lekanyetsang.
Thutong, Moralo wa Puo wa Provense ya Gauteng o amohela puo ya kgokahano le ya ho ruta dikolong jwalo ka e amohetswe ho SASA le Leano la Puo Thutong.
Leano la Puo Thutong provenseng e tlameha ho lekolwa e le karolo ya Moralo wa Leano la Puo la Gauteng mabapi le ntshetsopele ya puo thutong.
Kgokahano ya Mmuso wa Provense ya Gauteng matjhabeng e ye e be ka Senyesemane kapa ka nakwana ka puo e batlwang ya naha eo ha ho ka kgoneha.
Diyuniti tsa Kgokahano tsa mafapha a Mmuso wa Provense a Gauteng a etelletsweng pele ke Mookamedi ya ka Sehloohong: Dikgokahano tsa Mmuso le Ditshebeletso tsa Tsebiso ofising ya Moporemiri di tla thusa le ka ho tataisa Mmuso wa Provense wa Gauteng ka mananeo a tla totisa ho phahama ha dipuo tsa semmuso le dipuo tse ding tse tsamaelanang le Molao wa Motheo. Lefapha le leng le le leng la Mmuso wa Provense wa Gauteng le tla fumana ditshebeletso tsa puo tsa lona.
Ka selemo foramo ya kgokahano ya Mmuso wa Provense wa Gauteng e tla, ho ya ka diphuputso tsa yona, ho kenyeletswa ho hlokomela le ho lekola ho phethahatswa ha phahamiso ya puo le mananeo a ntshetsopele a phethwang ke mafapha a Mmuso wa Provense wa Gauteng. Se etsahalang ka mora moo se tla laola hore ho sebetswe jwang le boholo ba ho thusa jwalo bo tla itshetleha hodima mehlodi e teng.
Lefapha la Thuto ka bolona le tla phamisa le ntshetsapele dipuo tse ileng tsa kotelwa mehleng e fetileng jwalo ka ha SASA le Leano la Puo Thutong le boletse.
Jwalo ka karolo ya mesebetsi ya lona, Komiti ya Puo ya Provense ya Gauteng e tla eletsa Mmuso wa Provense wa Gauteng ka ditaba le merero e tla thusa ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo haholoholo dipuo tsa naha tse neng di le ka mosing mehleng e fetileng.
Ho tlameha hore ho hlaloswe hore boholo boo phahamiso le ntshetsopele ya puo bo bang ka teng bo tla tswa ka kabo ya tekanyetso ya tjhelete le mehlodi e teng.
Ho thehwa ha makala a mang le hore setjhaba se tsebiswe ka puo eo se ikgethetseng sona, le tshebediso ya dipuo tsa sona e tla ba le matla ho ntshetseng pele moifo makaleng ao le mafapheng a Mmuso wa Provense wa Gauteng ka kakaretso.
Qetellong basebeletsi le baemedi ba setjhaba boemong ba Mmuso wa Provense wa Gauteng ba tsebe tse ding kapa boholo ba dipuo tsa semmuso e le ka sepheo sa ho phethahatsa ho thusa ka ho phethahala le ka bokgoni.
Hona ho bolela hore mafapha a tla lokela ho rupella le ho ntshetsa pele moifo wa bona o sebetsanang le batho o ka pele ka ho buisana le setjhaba ho ya ka metheo ya Batho Pele.
Ka maiteko a matla a ho ntshetsa pele dipuo tsa naha le ho tswela pele ho fetola dipalopalo tsa batho, ho tla lokela hore, ka tshebetso ya dilemo tse hlano, ho lekolwe hape Moralo wa Leano ho lekanyetsa hore na o sa tshwanelaha na.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA DITABA TSA.txt</fn>
Dintlha tsa bohlokwa tsa CBNRM..
Mabaka ao ka ona ho etswang ditataiso tsena..
Mekgatlo ya puso ya selehae le ditaba tsa mobu, mmoho le taolo ya mehlodi e tshebetsong mme e hlwahlwa.
Melemo ya moruo le e meng, bakeng sa ho fana ka dithuso molemong wa ho sebedisa mehlodi ka tlhokomelo, le yona e teng..
Ho na le tsamaiso le tlhophiso ya mosebetsi e hlwahlwa e bile e ena le boikarabelo, ho tswa ka ntle ho mokgatlo?
CBNRM e leng Taolo ya Mehlodi ya Tlhaho e Theilweng Setjhabeng, e shebane le tshebedisano mmoho pakeng tsa batho, mekgatlo ya bona, boiphediso esitana le mehlodi ya tlhaho.
CBNRM e kgothaletsa tshebediso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho sepheo e le ho ntlafatsa mekgwa ya batho ya boiphediso. Ke mokgwa wa tshebetso o shebaneng le mahlakore a fapaneng a taolo le paballo ya mehlodi ya tlhaho. Ke mokgwa wa tshebetso e batsi ntshetsopeleng ya dibaka tsa mahaeng, o akaretsang mesebetsi e mengata e fapaneng eo ho yona setjhaba se nkang karolo taolong ya mehlodi mmoho le polokeho ya yona.
Taolo ya mehlodi ya tlhaho e theilweng setjhabeng (CBNRM) ke tsela ya ntshetsopele e kgothaletsang tshebediso ya mehlodi ya tlhaho ka tsela e hlokolosi. E phahamisa maemo a ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, haholo dibaka tse kopanetsweng ke setjhaba, moo baahi bohle ba nkang karolo. Sepheo sa yona ke ho hlahisa lethathama la melemo makaleng a kahisano, moruo, mekgatlo esitana le dikamano pakeng tsa diphedi le tikoloho eo di phelang ho yona. E baballa mehlodi ya tlhaho ka ho matlafatsa setjhaba hore se kgone ho laola mehlodi ya sona.
Ho phahamisa maemo a boiphediso le boleng ba maphelo a baahi esitana le ho thusa phokotsong ya bofuma dibakeng tsa mahae.
Ho sebedisa mehlodi ya tlhaho le disebediswa tsa disebediswa tsa mekgwa ya kamano ya diphedi ka hloko le paballo.
Ho matlafatsa setjhaba sa mahaeng hore se kgone ho inkela diqeto mabapi le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho.
E itshetlehile haholo ho nkeng karolo ha baahi taolong ya mehlodi ya tlhaho mmoho le thuong ya mehlodi eo ke sona setjhaba seo.
E fana ka melemo ho tswa mehloding ya tlhaho sepheo e le ho kgothaletsa batho ho laola le ho tsamaisa mehlodi eo ka hloko.
E lebisa ho kengweng tshebetsong ha melao ya boitshwaro mabapi le taolo ya mehlodi ya tlhaho boemong ba selehae.
E tshehetswa ke tshebedisano mmoho pakeng tsa baahi, mmuso, ba-nka karolo ba ka ntle, batsamaisi ba mosebetsi mme ka nako tse ding le ba fanang ka dinyehelo.
Hore o ananelwe e le CBNRM?
O tlameha ho ba wa tshebediso ya setjhaba ka kopanelo, eseng wa batho ba itseng feela.
O tlameha ho ba le bokgoni ba ho tswella le mathata ho ya ka mokgwa wa paballo ya diphedi le ho fapafapana ha tsona, bokgoni ba ho tswella moruong, boqhetseke le matla a ho atleha mmoho le katleho kamanong ya kahisano le dipolotiki.
Melemo e unwang tshebedisong ya mohlodi e tlameha ho ajwa ka teka-tekano setjhabeng.
Ditheo tse laolang mokgwa wa tshebediso ya mohlodi di tlameha hore di batle di ikamahanya le demokerasi?
Le hoja CBNRM e le bohlokwa mme e bile e ena le bokgoni ba ho atleha maemong a mangata, ho ntse ho ena le maemo ao ho ona ho hlakileng hore katleho ya yona e a fokola, le moo e ke keng ya eba yona tharollo ya mathata.
Mohlodi ka bo ona o haella haholo mme o bile o tshabana le ho tshwengwa ka tsela efe kapa efe, kapa hona ho sebedisetswa ho una molemo ho tswa ho ona.
Setjhaba se qaqolohane, ha se a tsitsa kapa se aparetswe ke merusu.
Setjhaba ha se na ditokelo tsa ho sebedisa mohlodi oo ho latela mokgwa wa phetisetso ya mafa ho tloha lotlobong ho ya ho le leng, ho latela nalane ya sona.
Ha ho kgoneho e ka tiiswang ya hore setjhaba se tla hle se fole molemo o moholo.
Mona Afrika Borwa Setjhaba?
Dihlopha tsa batho, ha ngata ba nang le ditabatabelo tse tshwanang.
Ba iphedisang ka kotloloho ka mehlodi ya tlhaho, ke hore mehlodi ya tlhaho ke karolo ya bohlokwa haholo ya thepa ya bona ya boiphediso.
Ba ikarabellang taolong ya tsa mobu le mehlodi ya bona ya tlhaho ka kopanelo mme ba theha mekgatlo ho tshehetsa tsamaiso ya mehlodi ena.
Ho a hlaka hore mohopolo wa setjhabao bolela setjhaba se nang le maikemisetso Dihlopha tse nang le maikemisetso a tshwanang se bileng se ka nako e nngwe se sa dule sebakeng se le seng, empa e le setjhaba se ka kakaretso se tikolohong e itseng se phelang tulong e le nngwe?
Le hoja CBNRM hantle-ntle e tshwanela ho akaretsa le ho tswela bohle molemo setjhabeng ka kakaretso se iphedisang ka ho sebedisa mehlodi ya tlhaho, nnete ke hore ha ngata palo e nyane ya batho e bontsha thahasello le taba-tabelo ya ho nka karolo taolong ya mehlodi ya tlhaho. Ho atisa ho etsahala hore ha mosebetsi o tswella mme o qala ho beha ditholwana, batho ba bangata ba ba le thahasello ya ho nka karolo le bona.
Di ntshetse pele matlafatso ya tsamaiso le taolo ya bokgoni ba setjhaba ba ho tsamaisa le ho laola mehlodi ya sona ka mokgwa o tswetseng pele.
Le hoja ditataiso tsena di reretswe ho sebediswa Afrika Borwa, CBNRM ke karolo ya mokgwa o holing Afrika yohle e ka Borwa le ho feta. Dinaha tse ngata tsa bo-ahisane di nale mananeo a tsona a kopanyang tshireletseho ya mehlodi ya tlhaho le taolo ya yona, le melemo e unwang ke setjhaba sa mahaeng. Mananeo ana a boetse a leka ho kopanya mekgwa e tlwaelehileng ya mehlodi ya tlhaho hore ebe mekgwa ya tshebetso le ditheo tse hlophisitsweng ka tshwanelo, ho latela melao e itseng.
Mananeo a tsamaiswang ka kopanelo bakeng sa taolo ya poloko le paballo ya diphoofolo tse hlaha, e leng lenaneo la tsamaiso ya Mehlodi ya Tlhaho naheng ya Botswana le kae-kae.
Tlasa ditumellano tsena le tse ding, mmuso wa Afrika Borwa o tlamehile ho tshireletsa tlhaho ka ho fapafapana ha yona ka kakakaretso mmoho le diphoofolo le dimela tsa mefutafuta tse nkuwang ele tse kotsing ya ho ka timela, ke mekgatlo ya matjhaba e sebeletsang polokeho ya tsona. Hodima ditlhoko tse behilweng bakeng sa tlhokomelo ya mefutafuta ya mehlodi ya tlhaho e nonneng ya karolo ena ya kontinente, ho na le kananelo e ntseng e hola ya boleng ba mehlodi ena ya tlhaho bathong bohle ba Afrika Borwa. Hona ha ho a shebana feela le kgoneho ya boleng ba moruo wa yona empa le boleng ba setho sa yona le bohlokwa ba boleng ba bophelo batho ba sedika sena.
Boholo ba mesebetsi ya CBNRM bo kenyeletsa ho thehwa ha tshebedisano mmoho pakeng tsa ba-nka karolo ba fapaneng.
Ditshebedisano mmoho tsena di na le dibopeho tse fapaneng mme di hangata di bohlokwa haholo ho atleheng ha mesebetsi ena.
Tshebedisano mmoho pakeng tsa setjhaba le dikgwebo tsa lekala la poraefete, haholo holo kgwebo ya bohahlaudi le dikgwebo tse ding tsa mofuta ono?
Tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha a fapaneng a mmuso a nang le thahasello le boikarabello bakeng sa dintlha tse fapaneng tsa mehlodi ya tlhaho ya sebaka se amehang?
Pakeng tsa setjhaba, mekgatlo eo e seng ya mmuso le mafapha a mmuso moo mekgatlo eo e seng ya mmuso e yeng e bitswe hore e tlo tsamaisa mosebetsi lebitsong la mafapha a mmuso?
Boholo ba mananeo a CBNRM a kenyeletsa ba-nka karolo ba fapaneng ba sebetsang ka kopanelo mme emong le emong wa bona a nang le mesebetsi le maikarabelo a hae ho phethweng ha mosebetsi. Ditataiso tsena di reretswe o thusa ba-ka karolo bana hore ba phethe mesebetsi ya bona le ho nka boikarabelo ba bona ka katleho.
Dihlopha tsa mahaeng hangata di emelwa ke mekgatlo le ditheo tsa setjhaba kapa ke mekgatlo e thehetsweng ho susumetsa mosebetsi wa CBNRM ka ho ikgetha. Mekgatlo ya setjhaba e atisa ho emela dihlopha tse itseng setjhabeng. Mekgatlo e tsamaisang le ho hlophisa mosebetsi ha ngata ke mekgatlo eo e seng ya mmuso, bahlophisi ba ikemetseng ba mosebetsi (Consultants) kapa bahlanka ba mmuso ba hiretsweng ho etsa mesebetsi e itseng, mohlala: baemedi ba setjhaba, basebetsi ba ntshetsopele ya setjhaba, kapa mesebetsi ya thekolohelo. Ha ngata mafapha a diyunivesithi kapa ditheo tsa ho etsa diphuputso di iphumana di etsa mosebetsi ona. Ba sebedisana mmoho le setjhaba, ha ngata ka nako e telele?
Balekane ba lekala la poraefete boholo ba bona ba amena le mesebetsi ya lekala la bohahlaudi mme ba tlisa kgwebo le tsebo ya setekgeniki mmoho le matsete a tjhelete. Mebuso ya bomasepala le sedika Bana bona ba na le tshusumetso hodima mesebetsi e etswang boemong ba selehae mmoho le maikarabelo a semolao a ho Kenya tshebetsong dipholisi tse ngata boemong ba naha tse amang tshebediso ya mehlodi ya tlhaho?
Mafapha a mmuso boemong ba naha le ba diprovense a atisa ho qala CBNRM ele sesebediswa sa ho kenya dipholisi tsa boemong ba naha mabapi le taolo ya mehlodi ya tlhaho le twantsho ya bofuma kapa (jwalo ka ha ho tlwaelehile) ho arabela ditseko kapa sello sa baahi ba sebaka se amehang. Mekgatlo e fanang ka dinyehelo Eo hangata e leng mekgatlo ya matjhaba e nang le kgahleho e kgolo ntshetsopeleng ya dibaka tsa mahae le paballo ya tlhaho. Ditataiso tsena di shebane le setjhaba, basebetsi ba bang ba CBNRM le ba etsang melao. Setshwantsho sa 1, se bontsha ba?
CBNRM ha se feela ya ba baballi ba tlhaho le tikoloho mme, melao ya yona e ka sebediswa makaleng a mangata. Mehlala e mmalwa ya ka moo CBNRM e kopanyang makala a mangata e hlahella mona ka tlase. E mengata ya mehlala ena e sa ntsane e ntshetswa pele mme ho sa le hole moo e eyang teng, pele ho ka thwe e fihletse katleho.
CBNRM e atisa ho amahangwa haholo le paballo, ha ngata maemong ao ho ona mobu o ka kenyeletswang dibakeng tse sireleditsweng. Mobu o hiriswa ke setjhaba ka tshebediso ya mekgatlo ya paballo ya tlhaho, empa le hahole jwalo, setjhaba le sona se a nyehela tsamaisong ya sebaka se jwalo, se sireleditsweng ka tumellano ya ho se laola ka kopanelo. Baahi ba bang ba hatetse pele ho feta moo ka hore bona ka bo bona ba thehe le ho hloma mekgatlo ya paballo ya diphoofolo tse hlaha le bohahlaudi mobung oo ba o kopanetseng haufi le dibaka tse sireleditsweng. Merung teng Ho ba le seabo Taolong ya Meru teng ke leano la paballo ya meru leo maikemisetso a lona e leng ho fa baahi matla a ho nka diqeto mabapi le mehlodi ya meru le ho fana ka melemo ya sebele ho bona. Baahi ba ka etsa dikopo tsa tumello ya ho kotula mehlodi e itseng mme tshehetso ya ditjhelete e a fumaneha ho ba thusa ho iqalla dikgwebo tse nyane.
Temothuong teng dihlopha tsa batho di ka theha mekgatlo ya tshebetso mmoho moo ba tsamaisang le ho bapatsa dihlahiswa tsa temo kapa leruo ka kopanelo, ba thuswa ke mmuso le ditheo tse tshehetswang ke mmuso ka ditjhelete (parastatals). Ha ngata hona ho tsamaiswa mmoho le mananeo a tlhokomelo ya mobu a jwalo ka taolo ya kgoholeho ya mobu le ntlafatso ya makgulo. Moo mobu o busetswang ho beng ba ona, setjhaba se tsekang ho buseletswa mobu wa sona se atisa ho kopa tshehetso ho etsa bonnete ba hore mobu o ajwang botjha o sebediswa ka mokgwa o nang le kuno. Baahi le bona ba tlameha ho ntlafatswa ka dithupello tsa boitjhoriso le ka ho ba kopanya le baeletsi mmoho le balekane kgwebong. CBNRM e ka ba motheo wa bohlokwa ka morao ho ho kgutlisetswa ha mobu ho beng ba ona, ho matlafatsa melawana ya taolo e nepahetseng ya mehlodi ya tlhaho le mobu, tshebediso ya mobu mmoho le ntshetso pele ya ditheo tsa selehae tse sebetsang.
CBNRM e boetse e bohlokwa bohahlauding le ntshetsopeleng ya moruo wa maemong a selehae, moo ditjhaba tse ngata di kenang mosebetsing ka kopanelo mmoho le mefuta e meng ya tshebedisano mmoho, le ba sebetsang ka bohahlaudi. Ditjhaba di atisa ho hirisetsa borakgwebo ditokelo tseo di di filweng ke mmuso mme e ebe borakgwebo ba etsa mosebetsi wa papatso, kapa ebe ba kena ditumellanong tsa ho arolelana kuno le khampani ya poraefete eo e leng hore yona e tla ikarabella lehlakoreng la kgwebo la tumellano ya bona mme setjhaba sona se hlokometse taolo ya mehlodi ya tlhaho le mobu. Mosebetsi wa CBNRM o boetse o bohlokwa taolong ya mehlodi e jwalo ka metsi. Setjhaba e ka ba karolo ya Di-ejensi tsa Taolo ya Kgakeletso, sa theha Mokgatlo wa Basebedisi ba Metsi kapa sa theha Foramo ya Taolo ya Kgakeletso. Hona ho hloka thuso ho tswa mekgatlong ya mmuso e jwalo ka lefapha la Metsi le Meru le bo masepala ba didika.
Boemong ba mmuso wa selehae tsamaiso ya mehlodi e ya tlhaho ke karolo ya bohlokwa ya Morero wa Ntshetsopele e nang le Nyalano (IDP) o kentsweng tshebetsong ke Molao wa bo masepala wa Municipal Systems Act, le Integrated Sustainable Rural Development Strategies (Maano a Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae a nang le Nyalano e Tswellang).
Phokotso ya bofutsana tlhabollo e tswellang ya bomasepala le taolo e hlwahlwa ya tikoloho. Hona ho nyalana hantle le ditabatabelo tsa tsa CBNRM : phokotso ya bofuma, tlhabollo ya mekgatlo, tshebediso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho. Ka hoo maikemisetso a IDP le CBNRM a a dumellana. Ntlha ya bobedi ya mosebetsi wa IDP e nyalanang hantle le CBNRM ke taolo le ya motjha-o-tjhele eo e leng karolo ya di IDP. Ka hoo, mokgwa wa ho ithuta le ho tlwaela mosebetsi o hlokwang ke mesebetsi ya IDP o a tshwana le tsamaiso ya tlwaelo ya mosebetsi o labalabelwang ke CBNRM. Ka hoo IDP e fana ka monyetla wa ho boulella tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho boemong ba selehae dibakeng tseo ho tsona mehlodi e neng e nyahladitswe feela nakong e fetileng, mohlala: dibaka tse bulehileng dibakeng tsa makeishene le ditoropo mmoho le mobu wa bohle o leng taolong ya masepala.
Ke nnete e utlwisang bohloko hore phepo mpe le mafu a kang sewa sa HIV/AIDS di ama bophelo bo botle ba setjhaba sohle sa Afrika Borwa. Mathata a bophelo bo botle a ama dikarolo tse tsohle tsa bophelo setjhabeng mme diprojeke tsa CBNRM le tsona di a ameha le hoja mesebetsi ya CBNRM e atisa ho angwa ha mpe ke mathata a bophelo bo botle setjhabeng, CBNRM e na le bokgoni ba ho fana ka tshehetso ya nnete setjhabeng. Ditheo le tshebedisano mmoho tse kenngwang tshebetsong ho tshehetsa mesebetsi ya CBNRM di ka fana ka motheo wa ho rarolla mathata a amang bophelo bo botle. CBNRM e ka ntlafatsa tshireletso ya dijo le maemo a phepo setjhabeng, mohlala; ka taolo le paballo ya mehlodi ya diphoofolo tse hlaha le ya dihlapi molemong wa tlhahiso ya diproteine le taolo ya mehlodi ya dimela e jwalo ka ditholwana tse hlaha le le tse lengwang mmoho le meroho. Tshebediso le tsamaiso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho e ka thusa setjhaba hore se kgone le ho kgona kgatello e eketsehileng e bakwang ke mafu a kang HIV/ AIDS hodima mehlodi ya tlhaho haholo makase a bafu, patsi e beswang mafung le ditlamatlama tsa meriana ya setso e phekolang matshwao a mafu a tshwarang batho. Mesebetsi ya CBNRM e nang le bokgoni ba ditjhelete e ka thusa ho nyehlisa kgatello ya ditjhelete eo malapa a iphumanang a tobane le yona ho matlafatsa baahi ka mesebetsi ya CBNRM ke enngwe ya ditsela tseo ka tsona re ka ba thusang ho kgema le mathata a bophelo bo botle.
Thutong teng, CBNRM ke motheo wa bohlokwa hlokwa bakeng sa thuto ya sethatho ya ba baholo. Batho ba ikamahantseng le mesebetsi ya CBNRM ba hloka thupello ho ntklafatsa tsebo ya bona ya dipalo le ho bala le ho ngola. Le ha hole jwalo, le sekolong dintlha tsa CBNRM di ka ba bohlokwa haholo ha di kenyeletswa dithutong tsa mekgwa ya boiphediso, thuto ya dipalo le mahlale kakaretso. Hona ho ka thusa haholo dikolong tsa mahaeng moo barutwana ba ileng ba nka karolo ka katleho mananeong a CBNRM a tekolo le diphuputso. Ho feta moo, dikolo tsa mahaeng le matitjhere ke balekane ba bohlokwa ba CBNRM ka ho nehelana ka dibaka tseo dikopano di tshwarelwang ho tsona mme ba fana ka disebediswa tsa dipuisano ba bile ba nyehela ka tsebo le bokgoni bo haellang jwalo ka dipalo le ho bala le ho ngola tseo ho leng boima ho ka di fihlella?
CBNRM e ka boela ya fana ka kalana bakeng sa ba-nka karolo ba sa sireletsehang jwalo ka basadi le batho ba futsanehileng ba mahaeng, hore ba hlahise maikutlo le matshwenyeho a bona. Hona ho ka kgoneha ka lebaka la mokgwa wa ho fa batho monyetla wa ho nka karolo ditabeng tse ba amang wa CBNRM, empa hape ke ka lebaka la hobane dikarolo tse ngata tsa CBNRM di kgathalla batho ba futsanehileng le ba sa sireletsehang.
Ho ntlafatsa bokgoni ba boiphediso ba batho ba phelang mahaeng.
Ho ntlafatsa tshireletso le taolo ya mehlodi ya tlhaho.
Ho matlafatsa batho hore ba kgone ho laola mehlodi ya bona.
Le ditho, bahlanka ba mmuso, mekgatlo eo e seng ya mmuso, ba kenyang maano tshebetsong.
Meralo ya tshebetso ya selehae (di IDP, meralo ya tshebediso ya mobu jj), bakeng sa bahlanka boemong ba selehae, Tshehetso ka disebediswa le tsamaiso.
Dinako tsa tshebetso le kgahlamelo ya meralo ya tshebetso mmoho le disebediswa.
Le ha ho le jwalo ho na le ho se hlake hantle mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a CBNRM hara mekgatlo le ditheo tse nang le thahasello mosebetsing ona.
Hodima moo ho na le kgonahalo ya hore batho makaleng a fapaneng ha ba elellwe hore mosebetsi oo ba o etsang ke karolo ya mosebetsi o moholo wa ntshetsopele o hlahelang ka lebitso la CBNRM.
Tlaleho ya pejana eo sehlooho sa yona eleng Ntjhafatso ya melao le dipholisi tse tshehetsang mananeo a tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho a leng matsohong a setjhaba (CBNRM) naheng ya Afrika Borwa1, e ile ya ananela ntlha ya hore ho ne ho ena le dipholisi tse lekaneng tse leng tshebetsong ho ka tataisa CBNRM empa ya phethela ka hore: Ho a hlokeha hore ho ralwe lenaneo le ikgethang la ditataiso tse kopanyang mafapha, sepheo e le ho shebana le batho bao e saleng ba kotetswe nakong ya e fetileng, bao eleng bona ba laolang mehlodi ka kopanelo le mme, ba na le tsebo le bokgoni ba ho nyehela ho ralweng le tsamaisong ya mananeo a tshebetso(leqephe la 28)?
Sepheo-pheo sa ditataiso tsena le ho ntlafatsa kutlwisiso ya rona ya CBNRM ho ka lebisa kgonahalong e kgolo le phokotsehong ya ho putlama ha mosebetsi.
Boiphihlelo bo boholo bo fumanwe mesebetsing ya CBNRM naheng ka bophara, sedikeng sohle ho kgabahanya le sedika sena sa SADC, le dinaheng tsa mose ho mawatle, dilemong tse 10 tse fetileng mme, boholo ba sena bo sebedisitswe ho rala ditataiso tsena. Lesedi le keneletseng mabapi le mesebetsi ya CBNRM le kgobokantswe ke bafuputsi le ba bang mme sena se le sona se nyehetse haholo. Ha ho ya ba bobebe ho kenyeletsa lesedi lohle le leng teng. Ntlha ya bohlokwahlokwa ka hoo ke seo re hlileng re tlameha ho se etsa, hore CBNRM e tle e sebetse betere?
Sepheo sa bohlokwahlokwa sa tataiso tsena ke ho fihlella tshebedisano mmoho e kgolwanyane pakeng tsa baahi boemong ba selehae, sedika, provense le ba naha. Ba fanang ka dinyehelo le lekala la poraevete.
Di reretswe bo mang?
Ditataiso tsena di reretswe ho fana ka tataiso le tshehetso ho bohle ba nkang karolo ho kenngweng tshebetsong ha mesebetsi ya CBNRM. Makala a mangata a nka karolo, kapa a angwa ke diprojeke tsa CBNRM.
Maikutlo mana a tla tsepamiswa haholo ho ba-nka karolo ba leng tlase-tlase mane, mohla: setjhaba, batsamaisi ba mosebetsi le bahlanka kapa basebetsi mmoho le ba etsang melao. Ba-nka karolo ba bang ba jwalo ka ba fanang ka dinyehelo le lekala la poraevete le bona ba tla thuswa haholo ke tokomane ena. Sepheo-pheo ke ho hlakisa ka bobatsi mesebetsi le maikarabelo a ba-nka karolo bohle.
Dikarolo tse fapaneng tsa ditataiso di fana ka lesedi le hlokehang ho batho makaleng a fapaneng hore ba kgone ho etsa mesebetsi ya bona ka katleho. Karolo ya pele e shebane le melao e akaretsang le dipholisi tseo bohle ba tobaneng le tsona mosebetsing wa CBNRM. Karolong ya bobedi melao ya tshebetso e a etswa sa dihlopha tse tharo tsa bohlokwa tsa ba nka karolo: setjhaba, basebetsi le ba etsang dipholisi?
Ditataiso di lokela ho fana ka moralo wa tshebetso o phethahetseng molemong wa meralo le tlhabollo ya mananeo a CBNRM. Di tla ba molemo haholo boemong boo projeke efe kapa efe e qalang ho bona, moo maano a tshebetso a ntseng a ntlafatswa. Ka ha mosebetsi ka mong o ikgetha ka tsela eo o holang ka yona, ha ho kgonehe ho ka fana ka tataiso ya mohato ka mong bakeng sa mosebetsi ohle. Le ha ho le jwalo, ka ho sebedisa ditataiso mohatong wa meralo ya tshebetso e etswang ho ona mme ho latelwa mokgwa wa taolo wa ho etsa hore mosebetsi o hlophisetswe sepheo se itseng, lesedi mona le tlameha ho nyalana le mosebetsi ona hofihlwella projeke e phethetswe.
O ka botsa potso e latelang bakeng sa tataiso ka nngwe e dumellanang le maemo ao o sebetsang ho ona ebe re hlile re tlisa tharollo ka ho phethahala ntlheng ee, lenaneong la rona le ikgethang la mosebetsi?
Haeba le sa ntsane le le mehatong e qalang ya ho kenya projeke ya lona ya CBNRM tshebetsong, le ka nna la sebedisa ditataiso ka ho ipotsa hore : Re ka sebetsana le ntlha ee jwang ka katleho lenaneong la rona le ikgethang?
Mehatong e seng e hatetse pejana teng ditataiso di ka sebedisetswa ho thusa ho laola le tlhahlobo ka ho hlwaya dintlha tse nang le kgahlamela e nepahetseng kapa e fosahetseng sephethong sa projeke. Mona le ka nna la ipotsa potso ya latelang : ebe ke dintlha dife tse bakang mathata a maholo-holo Re ka etsa eng ho ntlafatsa maemo a ditaba?
Le hoja e se lesedi lohle le bonahalang le ena le molemo maemong a lona a ditaba, ho tla thusa haholo ho ithuta ka mesebetsi le maikarabelo a ba-nka karolo ba bang bao le teanang le bona mosebetsing.
Metheo ke melawana ya motheo e lokelwang ho latelwa ha ho kengwa CBNRM tshebetsong. Ke yona e re tataisang menahanong le diketsong tsa rona. Ho na le mekgwa e mengata ya boiphediso eo ho ka ikgethelwang ho yona.
Batho ba tswela pele ho sebedisa menyetla e fapaneng ya ho iphedisa. Ba lema dijo, ba etsa dihlahiswa tsa mesebetsi ya matsoho, ba rua diphoofolo, ba rekisa mahe, ba a hirwa, ba bokella ditlama-tlama tse sebedisetswang ho phekola mafu, ba kotula lehlaka, esitana le dijo tse fumanehang lewatleng, ba fana ka ditshebeletso ho bahahlaudi le mesebetsi e meng e mengata.
Bokgoni ba mehlodi ya tlhahiso bo hlokomelwa le ho ntlafatswa.
Bongata ba mehlodi ya tlhaho e leng teng ba ho dule bo sa fetohe feela, empa bo eketseha ho latela taolo e nepahetseng. Hona ho le diphoofotswana tse jewang tse fumanehang majweng lewatleng, dibakeng tse boleng bo hodimo, peo le difatjana tsa dimela tse ratwang di mela ka hara moru le dibaka tse nang le difate tse ngata, le palo ya diphoofolo e a eketseha.
Ho na le melao ya selehae mme e kenngwa tshebetsong. Mokgatlo wa selehae wa taolo o sebetsa ha ntle mme o nkela maikarabelo a ona hloohong. O sebedisana mmoho le setjhaba mmoho le balekane ba kantle ho etsa bonnete ba hore mosebetsi wa CBNRM o tswela setjhaba le mehlodi ya tlhaho molemo.
Melemo ya moruo le e meng e fanang ka monyetla wa tshebediso ya mehlodi ke e hlwahlwa.
Batho ba putswa ka tshwanelo bakeng sa boiteko ba bona ba ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Ba ikamahanya le tekanyetso ya kotulo eo ba e behetsweng, ba fumana mmaraka o motle bakeng sa dihlahiswa tsa bona mme ba etsa kuno e eketsehileng ka ho atolosetsa mosebetsi wa bona dibakeng tse ding. Balebedi ba baahi ba lebela meru, makgulo kapa melatswana, ho thibela hore matswantle a se nke dimela le diphoofolo tsa bona.
Melao e lekolwa mmoho le ho kenngwa tshebetsong mme batho ba fuwa tokelo le boikarabello ba ho nka diqeto ka bo bona mabapi le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho. Dipehelo tsa kotulo di behwa ke setjhaba ka keletso ya ditsebi.
Setjhaba se sebedisana mmoho le mekgatlo ya selehae eo e seng ya mmuso (NGOs) e utlwisisang maemo a kahisano le botjhaba ba setjhaba hantle mme, e ena le boiphihlelo tsamaisong ya mehlodi sebakeng seo. Mokgwa wa bona wa tshebetso ke wa ho arolelana tsebo le ho kgothaletsa setjhaba ho nyehela ka boiphihlelo le kutlwisiso ya sona.
Batho setjhabeng ba nang le tshusumetso e kgolo e leng baetapele ba setso le baholo ba ikakgetse ka setotswana ho etseng bonnete ba hore bohle ba fola molemo ka ho lekana ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Ba sebetsa ka thata ho ka etsa bonnete ba hore ditho tse nang le matla ho feta tse ding di se ke tsa hatella tse ding ha mosebetsi o ntse o tswela pele. Bohle ba a tseba hore ke bo mang ba nang le tshusumetso.
Ho kenya CBNRM tshebetsong ho tsamaisana le ho tobana le mathata a mmalwa. A mang a ona a tlwaelehile mesebetsing yohle ya CBNRM.
Lebella phapa-phapano e kgolo mosebetsing ka mong.
Se sebediseng ditataiso jwalo ka moralo o phethahetseng wa tshebetso. Ikemisetse ho fuputsa le ho nyehela ka ho ikamahanya le maemo a ditaba. Empa le pheme ho se be le botsitso ho ka lebisang ho ferekanyeng bohle.
Le lebelle diqhwebeshano boemong ba selehae. CBNRM ka nako tse ding ang tshwana le morusu wa diphetoho, ka hoo le se ke makatswa ke diqhwebeshano. Empa le leke ho bonela diqhwebeshano pele ka taolo e nepahetseng ya mme le leke ho di thibela. Le seke la tshwenyeha haeba di etsahala. Ho tlwaelehile hore di etsahale. Ho tshoha le ho makala ke karolo ya mosebetsi.
Hata butle ha o sebetsana le dikamano tsa matla boemong ba selehae. CBNRM ke leano le laolwang ho latela demokerasi. Jwang kapa jwang le tla tshosa ba bang. Ka nako e nngwe hona ho ke ke ha qojwa empa wena leka ho qoba ka hohle ka moo o ka kgonang.
O hlokomele ho nyahama ho ka bakwang ke dikamano tsa matla. Ebang ho ena le ho sa eng ka theko, mabapi le karolo e itseng ya mosebetsi, ho na le kotsi ya hore matsapa ohle le matla ohle a sebedisitsweng projekeng a sebediswe tekong ya ho rarolla bothata, eleng ntho eo hangata e lebisang ho se natsweng ha dintlha tse ding tse nang le katleho tsa projeke.
Ka tlhaho batho ha ba rate diphetoho mme, ho atisa ho ba le ho hanana le mehopolo efe kapa efe e metjha ho sa natswe hore na e bonahala e le metle hakae, ho bao ba tlileng ka yona. O se ke wa makala ha ho etsahala ha ho nka nako e telele pele mehopolo e metjha e ka amohelwa, kapa le haeba hona ho sa etsahale ho hang.
O hle o ikemisetse ho amohela tshehollo le diqoso tse hlokang toka. Baahi setjhabeng ba nkang karolo mererong ya CBNRM ba atisa ho tobana le dipuo tse tletseng leeme mmoho le tshehollo, ha ngata h tswa bathong ba leng ka ntle ho projeke. Tshehollo e jwalo e ka nyahamisa motho haholo mme nako le matla a mangata a senyeha e le ha ho lekwa ho thibela boemo bo jwalo. Amohela ntlha ya hore hona ho tla etsahala mme o seke wa kgella fatshe mosebetsi o motle oo wena le ba bang le o etsang.
Ho na le lenane le batsi le hlophisitsweng hantle la mekgwa ya boiphediso leo ho ka ikgethelwang ho lona.
Fana ka monyetla bakeng sa mekgwa e fapaneng ya boiphediso. Batho ba mahaeng ba hloka ho iphedisa ka mekgwa e fapaneng mme malapa a mangata mahaeng a sebedisa mekgwa e mmalwa ya boiphediso. Hona ho ba sireletsa kgahalnong le dikotsi tse ka ba hlahelang mmoho le ho lahlehelwa ke tshepo.
O se lebale hore batho ba bona boleng ba mehlodi ya tlhaho ka tsela tse fapaneng. Ba bang ba inahanela ka boleng ba moru feela, ha ba bang bona ba natsa le boleng ba botjhaba le setso, athe ba bang bona ba kgathalla boleng ba paballo ya mehlodi ya tlhaho feela. O se ke wa nahana hore baahi ba nale ho nahana ka mokgwa o nang le mehopolo ya kgwebo. Hape o se ke wa lebella hore ba tla arolelana le ba ralang maano le paballo boleng bo sa behang ka pelepele mofuteng o itseng wa diphedi ka pa tikoloho.
Kgothaletsa banang le tsebo le bokgoni bo fapaneng ho nyehela. Kopanya tsebo le bokgoni bo bongata ka hohle ka moo ka kgonang. Etsa bonnete ba hore mekgatlo ya selehae e a emelwa ke dihlopha tse tsohle setjhabeng. Basadi ke basebedisi ba bohlokwa ba mehlodi ya tlhaho mme ba na le tsebo le bokgoni ho ka nyehela. Etsa bonnete ba hore ho na le sebaka bakeng sa bona.
Phahamisa tsebo le bokgoni ba boholo-holo mme o kgothaletse kamohelano ho ya ka botjhaba le setso ka ho fapana. Ho fapafapana ha setso le botjhaba ho hokahantswe ka kotloloho le ho fapafapana ha mekgwa ya tlhahiso, ho nkuwa ha diqeto mmoho le ntshetsopele ya mekgatlo mme ho tshwanela ho kgothaletswa, ho boloka dikamano pakeng tsa ditho tsa setjhaba sa mahaeng le sa ditoropong. dikamano tsena di bohlokwa haholo bakeng sa moruo le kahisano.
Phahamisa merero e nyahlatsang boikgethelo ba mekgwa ya boiphediso feela-feela tjena.
Kenya tshebetsong maano a taolo a fokotsang mathata molemong wa ho fokotsa tharahano ya mosebetsi.
Etsa bonnete bahore mehlodi ya tlhaho ena le boleng ba ho ka etsa kgwebo bo ka fetolelwang tjheleteng, le melemo e meng ya sebele eo batho ba utlwisisang le ho elellwa boleng ba yona.
Hlokomela le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho. Hang ha e ka ya fela ho CBNRM kenya tshebetsong melao e laolang hore na ke mang ya ka kotulang mehlodi efe, hokae. Etsa bonnete ba hore ho na le doqoso bakeng sa ba tlolang molao. Tsetela haholo melaong e laolang boitshwaro e tshehetswang ke bohle.
Kenya tshebetsong leano la nnete la tazolo bakeng sa mehlodi. Kopanya kutlwisiso le tsebo ya batho ya mehlodi le lesedi ho tswa ho bohle ba amehang ho rala leano le hlakileng le bile le sebetsa la tshebetso.
LAOLA TSHEBEDISO LE MAEMO A MEHLODI Basebedisi ba mehlodi ka bo bona mmoho le ba bang ho tswa setjhabeng ba tshwanela ho ikakgela kasetotswana ho kenyeng tshebetsong mokgwa wa taolo mmoho le ho etsa mosebtsi wa taolo.
Latela mokgwa wa taolo wa ho itlwaetsa maemo a ditaba. Eba le maikemisetso, laola maemo a mehlodi mme o nke qeto ya hore na ke neng moo ho nang le matshwao a tlhokomediso.
Etsa hore ho be le matla a taolo ya mehlodi ya tlhaho. Rupella esitana le ho laola batho ba nepahetseng ho etsa hore ba kgone ho nka boikarabelo taolong ya tlhaho.
Dumela hore CBNRM e bolela nyehliso ya marapo ho kenyeng molao tshebetsong.
Sebedisa leano la ho nka mehato ya thibelo e le lebaka la hore o se ke wa etsa letho.
Etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba seabo sa seo a lokelang ho ba le sona morerong ona mmoho le boikarabelo ba hae. Tshwara dikopano kgafetsa ho etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba hore na o tshwanetse ho nyehela jwang morerong ona, le hore o etsa seo ho dumellanweg ka sona. Rala molaotheo e sa le nako.
Theha mekgatlo ya selehae ho nnetefatsa tlwaelo ya hore baahi ke bona beng ba mehlodi. Ho lokela ho ba le lekgotla la tsamaiso le tlang ho etsa mosebetsi wa tsamaiso le ho nka diqeto. Lekgotla lena le tla hloka tshehetso le thupello e nepahetseng hore le tle le kgone ho etsa mosebetsi wa lona. La tla hloka tshehetso le kgothatso ka dinako tsohle. Maemong a itseng, haeba ho ena le mathata a mangata, lekgotla lena le ka nna la hloka ho thewa. Sebedisa mekgatlo e leng teng ka hohle ka moo ho ka kgonehang ka teng ho, ho ena le ho theha e metjha. Empa o nke diqeto tse nepahetseng mabapi le sena mme o seke wa beha maikemisetso a CBNRM ka mosing haeba makgotla a matjha a hlokeha.
Etsa bonnete ba hore baemedi ke ba nepahetseng, le hore ha se ba ipehileng ditulong. Baemedi ba tlameha ho sebetsa mmoho le dihlopha tseo ba di emelang, le ho di fa tlaleho mme ba tshwanela ho fuwa nako ya ho etsa jwalo.
Etsa bonnete ba hore ho na le moetapele kapa mpodi mmoho le sehlopha sa tshebetso bakeng sa mosebetsi o mong le o mong wa bohlokwa kapa lekala la boikarabelo. Hodisa bo-mpodi le baemedi ba batjha ka hloko mme o balle ba seng ba ntse ba le teng?
Lwanela ho tlisa toka setjhabeng. Leka ho arabela ditlhoko le tshireletseho ya nako e telele ya batho ba futsanehileng haholo. Kenya tshebetsong melao ya motheo ho etsa bonnete ba hore emong le emong o nka karolo. Etsa bonnete ba hore lentswe la bafutsana le batho ba hlokang lentswe, haholo basadi ba futsanehileng le a utluwa.
Ikemisetse hore qetellong o fetisetse amang a matla kapa kaofela ha ona ho basebedisi ba mehlodi ka ho bo bona, hang ha ba se ba ena le tsebo mmoho le bokgoni bo hlokehang. Empa o etse bonnete ba hore ha ho le ya mong wa ba nka karolo siuwang ka ntle.
Beha dipehelo tse hlakileng tseo ba ka karolo ba tlamehang ho ikarabella le tsona, pele ba ka fumana ditokelo tsa mobu le mehlodi. Kenyeletsa dipehelo tsena leanong la tshebetso kapa molaotheo. Fumana tshetso ya setekgeniki le ya semolao ebang ho hlokeha?
Efa batho tshireletso le ditokelo tsa ka nako e telele tsa mehlodi, le mobu. Batho ba hloka ho tseba ntlha kemo ya bona le seo ba tlang ho se una pele ba ka ba tlang ho se una pele ba ka tsetela nako le tjhelete tsamaisong mehlodi ya bona.
Etsa bonnete ba hore batho ba a tseba ka mekgatlo e meng e sebetsang maemong a fapaneng. Batho ba tlameha ho tseba dipholisi tsa mmuso le ditumellano tsa matjhaba tse ka nnang tsa ba thusa kapa tsa eba le tshusumetso mesebetsing ya bona. Ba tlameha ho utlwisisa hore na nyehelo ya bona e kena jwang mokgweng o moholo wa CBNRM ka hare ho naha, kontinenteng ya Afrika le lefatsheng ka bophara.
Etsa hore ho be le botsitso le teka-tekano seabong le tshsumetsong ya baetapele ba setso. Setjhaba se tlameha ho nka qeto mabapi le hore na mekgatlo e laolwang ke baetapele ba setso ea emelwa kapa tjhe.
Hlalosa ditokelo tsa thepa boemong ba selehae ka ho hlaka. Hlakisa hore na ke mang ya nang le ditokelo le hore na o na le tsona mehloding le dibakeng dife, mmoho le maikarabelo.
Kopanya mekgatlo ya selehae le ya baetapele ba setso le mekgwa ya tsebo le bokgoni boemong ba selehae ho fihlella pheletsong ya mosebetsi. Tsebo e sa hlophisehang semolao e tlameha ho lekolwa hantle feela jwalo ka e hlophisitsweng ka molao pele e ka amohelwa ka botlalo. Leka ho utlwisisa diphapang tse leng teng mekgweng ya tumelo le tsebo pakeng tsa ba-nka karolo ba fapaneng.
Ananela ntlha ya hore ho ntlafatsa le ho hodisa ditheo tse hlwahlwa ke mosbetsi o lenama o bileng o le thata, o bile o ka nka nako ya bolelele bo ka etsang dilemo tse leshome kaofela. Mosebetsi o jwalo o hloka tshehetso ya nako e telele e bileng e tswella. CBNRM e atisa ho angwa ke diphetoho tsa sepolotiki le botjhaba mme hona ho nka nako.
Mebuso ya selehae e tshwanela ho kenya tshebetsong dihlopha tsa tshebetso tsa CBNRM, tse emetsweng makaleng a fapaneng (ho kenyeletswa le lekala la lesa hlophisehang semolao), di ikarabelle ho etseng meralo le ho kenyeng tshebetsong diprojeke tsa mofuta wa CBNRM boemong ba masepala.
Kenya tshebetsong sehlopha sa tshebetso sa CBNRM. Sehlopha sena se lokela ho ikarabella ho emeleng CBNRM mererong ya naha e sebetsanang le melao le pholisi e amang tikoloho mmoho le ho fana ka tshehetso ya setekgeniki basebetsing ba provense mmoho le ba sebetsang ka ntle ho diofisi.
Kenyeletsa dithupello tse ikgethang tsa CBNRM, mananeong a thupello a lefapha le a puso ya selehae.
Kgella fatshe matla le bokgoni ba mekgatlo ya baahi ho etseng mesebetsi ya bona ya taolo le tsamaiso.
Kgella fatshe tlhoko e kgolohadi ya ntshetsopele e tswellang ya mokgatlo.
Melemo ya moruo le meng e teng phanong ya merero ya tshebediso e hlokolosi ya mehlodi.
Tseba ka hohlaka se lebeletsweng le se hlokehang ho tswa morerong.
Kenya tshebetsong leano la tjhebelo pele le hlakisang ka botlalo hore na batho ba lebeletse eng, empa o be le bonnete ka melemo e ka nnang ya unwa.
Eba le bonnete ka melemo e ka nnang ya unwa ho tswa morerong, mme o etse tekolo e keneletseng ya hore na e ebe morero o tla ba le bokgoni ba ho etsa kgwebo bakeng sa dikgwebo tse itshetlehileng mehloding ya tlhaho.
Rala maano bakeng sa mefuta e fapaneng ya melemo, mohlala: ya nako e kgutshwane le ya nako e teletsana, e bonahalang le e sa bonahaleng.
Etsa bonnete ba hore melemo e tobileng ya baahi e dumellana hantle le ditjeho tseo baahi ba di lefang, bakeng sa paballo ya le taolo ya mehlodi ya tlhaho.
Ho tlameha ho ba le mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa projeke.
Etsa hore ho be le tsebo le bokgoni ho tsa kgwebo, tsamaiso le taolo ya ditjhelete boemong ba selehae.
Etsa bonnete ba hore ho na le melemo ya nako e kgutshwanyane e tlang ho kwala sekgeo pele melemo ya sehlooho e qala ho hlahella, diprojekeng tsa CBNRM mosebetsi o mongata oo hangata o hlokehang pele melemo ya sebele e ka unwa. buisana le mekgatlo e fanang ka ditshehetso tsa ditjhelete bakeng sa ditjeho tsa ho tsamaisa mosebetsi, ho lefella mehato e qalang ya projeke?
Bao ba intshang sehlabelo ka ho fetisisa kapa ba nyehela ba tshwanela ho fola molemo ho feta ba bang.
Itshetleha hodima tshehetso ya tsa nako e telele ya ba fanang ka dinyehelo bakeng sa ho tsitsisa tshwaro ya hao ya dibuka.
Nka hore baahi ba tla nne ba dumellana le maano a ho se fane ka melemo ya tjhelete ao ba ralang maano a paballo ao ba a behang mefuteng e itseng ya mehlodi kapa tikoloho.
Qala mokgwa wa bonamodi o itshetlehileng tebellong ya katleho e ke keng ya nka nako e telele.
Etsa hore pholisi e akaretse tsohle, e kgone ho ikamahanya le maemo a ditaba mme e kgone ho feto-fetoha ebang ho hlokeha. Etsa monyetla wa ho nka karolo ho tloha qalong ya mosebtsi wa ho ntshetsa pholisi pele. Ho lokela ho ba bobebe ho kenya dipholisi tshebetsong mmoho le ho di hlophisa ka nepo ho ya ka boiphihlelo.
Ditokomane tsa pholisi di tlameha ho utlwisiseha ha bobebe mmoho le ho fihlelleha ha bobebe. Boloka dintlha tsa sehlooho di le bobebe.
Hlahisa dipholisi tse batsi boemong ba naha le ba provense, tse tla fana ka motheo oo ho tlang ho ahwa hodima ona.
Qaqolohanyetsa ho kenngwa tshebetsong ha mosebetsi boemong bo tlase-tlase ba puso moo matla a leng teng: bahlanka ba makgotla a puso, ya selehae a lokela ho rupellwa hore ba tle ba kgone ho fana ka thuso e hlokehang nakong eo setjhaba se hlophisang ditshisinyo tsa diprojeke.
Lefapha ka leng le tlameha ho etsa bonnete ba hore ho ikamahangwa le melao, dipholisi mmoho le ditumellano tse kenetsweng boemong ba selehae. Mafapha ana a boetse a tlameha ho laola mosebetsi wa bahlanka kapa basebetsi ba ona.
Dipholisi di tlameha ho sebetsa ka matla. Diqoso tsa mefuta e fapaneng di tlameha ho ba boima moo tlolo ya molao e etswang teng. E fa bahlanka ba boemong bo tlase-tlase monyetla wa ho inkela diqeto ha ba sebedisa molao. Maemo ao diqeto di tlamehang ho nkuwa ho ona ha a tshwane.
Etsa hore baahi ba utlwisise tsohle ka botlalo pele taolo ya mehlodi ya tlhaho e ka fetisetswa ho bona. Hona ho tlameha ho akaretsa: ho kenya tshebetsong lekgotla la tsamaiso le kgethilweng ke, ho kenya tshebetsong setheo sa ketsamolao jwalo ka lekgotla la tshebedisano mmoho poloko ya thepa ka kopanelo (Trust), khampani ya Poloko ya Thepa ka kopanelo, kapa khampani ya karolo ya 21 e tshwereng matla a taolo le tsamaiso a boemong bo mahareng mme e ena le mekgwa e sebetsang ya taolo ya mosebetsi. Etsa hore ho be teng monyetla wa thuso ya setekgeniki e tswang ka ntle ho thusa setjhaba ho kenya mosebetsi ona tshebetsong.
Theha letlole la thupello ya cbnrm sepheo e le ho ntlafatsa bokgoni le tsebo ya baahi, hore ba kgone ho laola mehlodi ya bona, esitana le ba bang ba amehang ho kenyeletswa le makgotla a bo masepala, hore ba dule e le karolo ya morero ona.
Tlosa ditshitiso tsohle pakeng tsa mekgatlo ya kemedi (agencies) kapa o ahe marokgo ao ka ona ho tla tshelwang ditshitiso tseo. Mokgatlo ka mong wa kemedi o tlameha ho hlalosa mosebetsi wa ona tshebedisong e kopanetsweng ya mobu mme o hlakise hore na o tla etsa mosebetsi wa ona jwang. Mekgatlo ena e tlameha ho bula dikgeo tse ikgethang tsa mosebetsi wa CBNRM maemong a fapaneng mme e fane ka thupello e nepahetseng mmoho le tshehetso ya tjhelete bakeng sa morero oo. Dihlopha tsa mekgatlo e fapaneng ya kemedi ya CBNRM di tlameha ho thehwa boemong emong ba naha esitana le ba diprovense.
Batla tshehetso bakeng sa CBNRM botsamaising bo ka hodimo mmoho le boemong ba tsa dipolotiki, mmusong le lekaleng la poraevete. Ho bohlokwa ho laola ka nepo tlwaelo ya ho hana ho amohela maano le maikemisetso a pholisi ya CBNRM ke ba bang ba bahlanka. Bosiyo ba tshehetso ho tswa ho ba okametseng bo ka thatafatsa ditshitiso diphetohong le ho feta.
Fumana lesedi le nepahetseng pele o saena ditumellano semolao. Kgonahalo ya ditumellano tsa karolelano ya melemo ya moruo le ya tlhaho, ho laola mosebetsi ka kopanelo le phetiso ya mobu le thepa e tlameha ho ba e sa belaetseng.
Hlwaya dipholisi tse etsang hore setjhaba se ntlafatse melemo ya sona ya ditjhelete ho tswa ho CBNRM. Etsa bonnete ba hore ho ikamahangwa le maikemisetso ana.
Fana ka ditataiso bakeng sa hore indasteri e kgone ho fihlella dihlahiswa tsa tlhaho, ka tshebedisano mmoho le baahi. Sebedisana mmoho le di yuniti tse tsamaisang ntshetsopele ya dikgwebo tse matsohong a setjhaba.
Tsepamisa maikutlo haholo meralong ya tshebetso le diprojeke tsa tsamaiso tse qaqolohaneng. Morero o akaretsang o a hlokeha o nang le dikarolo tse matla haholo.
Sebeletsa ho kopanya mosebetsi:,ditataiso di tlameha ho fumana teka-tekano pakeng tsa phano ya sebaka bakeng sa bolokolohi le ho etsa bonnete ba hore mosebetsi o qalwa boemong bo tshwanang ka melao e tshwanang le ka puo e tshwanang.
Tadima projeke ka nngwe e le e ikgethang, e ikemetseng ho ena le ho di tadima jwalo ka ha eka ke ditho tsa lenaneo le tswellang le kopantsweng la CBNRM, boemong ba setereke, porovense mmoho le ba naha.
Etsa bonnete ba hore tsamaiso ya maemo a phahameng haholo e a fumaneha. Hona ha ho a tlameha ho etsahala feela qalong ya mosebetsi, empa ka nako e telele. Tsamaiso ya mosebetsi e ka etsahala ka tshebedisano mmoho le molekane(ka mokgwa wa mokgatlo oo seng wa mmuso NGO), motsamaisi ya ikemetseng wa mosebtsi kapa lefapha la mmuso?
Kenya tshebetsong tjhebelo pele ya baahi. Ebe le dumellana ka mokgwa wa tshebetso o tshehetswang ke ba-nka karolo bohle hore le sebeletse ho phethahatsa maikemisetso ana.
Mosebetsi o etswe ka potlako molemong wa ntlafatso ya tshepano pakeng tsa bohle ba amehang.
Dula o behile mosebetsi leihlo, mme o kenye tshebetsong mokgwa wa tshebetso le matla a tshebetso ya bona ha merero e ntse e fetoha.
Sebedisa dithusa thuto tse bontshang ditshwantsho ka bongata kamoo o ka kgonang. Dimmapa, divideo, ditshwantsho le maeto a thuto a bohlokwa haholo ho bohle ba nkang karolo, eseng feela batho ba sa rutehang.
Tsepamisa maikutlo haholo hodima phapang e teng puong le botjhaba pakeng tsa ba nkang karolo. Ba-nka karolo ba fapaneng ba lokela ho ikutlwa ba phutholohile ho hlahisa maikutlo ka puo eo e leng ya bona mme hangata hona ho tla hloka phetolelo.
Phema melaetsae ka fanang ka mohopolo wa hore batho kapa dihlopha tse ding di okametse tse ding. Hona ho kenyeletsa lebitso la morero, mabitso a filweng bo mpodi ba fapaneng le matshwao a bontshang tshekamelo, mohla: bodulo, dijo le tlhophiso ya ditulo, moaparo o aperweng ke batsamaisi ba mosebetsi le bahlanka, boitshwaro le dipalangwang tse sebediswang?
Kgothaletsa batsamaisi ba mosebetsi hore ebe banamodi ba boele ebe barupelli.
E fa baahi monyetla wa ho tsamaisa merero boemong ba selehae, jwalo ka dikopano tsa dikomiti tse nyenyane le dihlopha tsa tshebetso.
Theha metjha ya dikgokahano pakeng tsa hao le batsamaisi ba sebetsang dibakeng tse ding. Mathata a tshwanang a atisa ho ama dibaka tse fapaneng.
Hlokomela hore ho bua feela ka ho nka karolo mererong ena ho ka etsa hore batho ba lebelle tse kgolo. Maemo ana a ditaba a ke ke a thibelwa mme, a lokela ho tliswa tlasa taolo ho tloha qalong ya mosebetsi. Mananeo a thupello le ona atisa ho phahamisa tshepo ya hore batho ba tla fumana menyetla ya mosebetsi.
Ikemisetse ho ba karolo ya morero ka nako e telele.
Kgobakanya setjhaba nqa e le nngwe. Hona ho lebisa kgohlanong a sa hlokeheng. Setjhaba se dula se ntse se itlhalosa ka tsela tse fapaneng ho ya ho ile, mme dibakeng tsohle setjhaba se na le dikarolwana tse nang le ditlhoko le ditabatabelo tse fapaneng.
Romela batsamaisi ba mosebetsi ba nang le bokgoni dibakeng tse ding hang feela ha ba qala ho ba le tlhahiso e bonahalang.
Fedisa boetapele ba selehae ka ho sebdisa batsamaisi ba mosebetsi ho tlola tekano.
Lebella hore ho fetisweng ho fe kapa hofe ha matla ho na le kotsi ya hore sehlopha se setjha sa ba phahameng (Elite) se tla hlahella se tlang ho sebedisa matla ana molemong wa ithuisa. Hona ho ka nna ha etsahala hara ba lekgotla ba mmuso kapa setjhabeng dikomiting tsa phethahatso tsa mekgatlo ya baahi.
Kenya mekgwa ya ho sebetsana le tlwaelo ya ho inkela matla ka sheshe ka hare ho dibopeho tsa mekgatlo e fapaneng ya botsamaisi.
Etsa bonnete ba hore baemedi ke ba nnete mme ha se ba ipehileng ka bo bona. kenyeletsa molaotheong ntlha ya baemedi ba tlamehile ho iteanya le dihlopha tseo ba di emelang. Baemedi ba lokela ho fuwa nako ya ho etsa jwalo.
Phahamisa lenane la baemedi. Mekgatlo ya selehae e lokela ho emela bongata ba batho le dihlopha mme e lokela ho ela hloko ho se tshwane ho leng teng setjhabeng se itseng mmoho le ho se tshwane ho leng teng pakeng tsa sehlopha ka seng.
O hlokomele hore sebe le kgohlano ya ditabatabelo, mme o sebedise ditlhoko tsa setjhaba Etsa bonnete ba hore ba-nka karolo ba tseba hantle hore ditabatabelo tsa balekane ba bona ke dife.
E fa baahi ditokelo tse matla tsa semolao hodima mehlodi, e le hore ba tle ba kgone ho sebedisa molao ho sireletsa mehlodi ya bona kgahlanong le ba tswang ka ntle.
Hlokomela borakgwebo ba hlokang botshepehi . Lequlwana lena le nag le ditho ka hara le ka ntle ho setjhaba sa lehae le tlwaelehile le kotsi haholo tsamaisong e hlwahlwa ya mehlodi e laolwang ke setjhaba. Batho bana hangata ba matla mme ba atisa ho iphapanya melao ya taolo mme ka kgella beng ba mekgatlo ya sethaba fatshe.
Kgobokanya dintlha tsa nalane ya tshebedisano mmoho, hore o tle o utlwisise hore na ebe ho teng, kapa ho kile ha eba le kgohlano ya ho tseka matla mmoho le tsitsipano ya botjhaba le sepolotiki na.
Y a le kgongwana hodimo wa thetswa ke maikutlo a bonahalang a le matle qalong ya mosebetsi ka lebaka la tshepano setlamong mmoho le tshepo ya hore mosebetsi o tla atleha.
Ikemisetse ho aba matla a taolo le boikarabelo. Ho nka diqeto ka kopanelo mmoho le ho aba matla (eleng tsona ditshiya tsa CBNRM) ho bolela ho tlhela matlale ho a beha matsohong a ba bang. Hona ho atisa ho lebisa sephethong se ebeng se sa lebellwa kapa hona ho ikemisetsa ho se fihlella. Ana ha se maikemisetso a mabe ho feta a mathomo empa, a ka tlisa phephetso e kgolo ho bao ba tlwaetseng ho ba bolaoding ka mehla?
Lekola le ho lebela ka dinako tsohle. Tekolo e lokelwa ho bonwa e le karolo ya bohlokwa ya mosebetsi ohle. Tlhahlobo e nepahetseng ya kgoneho ya katleho e tlamehile ho etswa pele morero ofe kapa ofe o ka thakgolwa mme maano a hlakileng a tlameha ho kenyeletswa moralong ofe kapa ofe wa morero wa CBNRM. Mokgwa wa tshebetso o tshwanela ho ba fa bohle monyetla wa ho nka karolo mmoho le ho fana ka lesedi,(ho tsebisa bohle ka phetoho efe kapa efe lenaneong).
Bua le bohle pontsheng, ka ho hlaka mme hona o ho etse kgafetsa, ho ya ho ile. Metjha e hlophisitsweng ya dipuisano e tlameha ho kenngwa tshebetsong hang hang mme le tlamehile ho ba le sebaka bakeng sa bao ba leng boemong bo sa hlophisehang semolao ba dipuisano?
Ikemisetse ho ikamahanya le diphetoho, tse bakwang ke maemo a feto-fetohang. Dula o le malala-a-laotswe bakeng sa tse sa lebellwang tseo eleng hore o ka nna wa se ke wa ba le taolo hodima tsona.
E ba hlwahlwa mme o dule o ikakgetse ka setotswana mosebetsing ka nako tsohle. Sena se tlameha ho ama dintlha tsohle ho kenyeletswa le ho ya dikopanong tsohle mmoho le ho ikamahanya le melao e meng ya boitshwaro eo ho dumellanweng ka yona, mmoho le tekolo ya mesebetsi le maikarabelo a batho.
Ela hloko manane tshebetso ao ba ka iketsetsang ona molemong wa bona ba le bang. CBNRM e mela batho le mehlodi ya tlhaho. batho bohle ba nale matla le mefokolo tshepo le maikemisetso, ditlhoko le ditabatabelo. Ho kopanya batho ba bangata ba fapaneng hore ba sebetse mmoho ho fihlella sepheo se itseng ke phepetso e kgolo haholo mme ha e ke be e e be bobebe. Merero yohle, haholo eo ho yona ho amehang tshehetso ya ditjhelete le tebello ya kuno, e leka batho hore ba be ba se ba sebleletsa ho ithuisa. CBNRM e tlameha ho ba sesebediswa sa ho fihlella ditabatabelo tsa motho ka bo yena kapa tsa sepolotiki molemong wa batho ba itseng kapa dihlopha tse itseng lekaleng lefe kapa lefe.
O tlameha ho le mamello e kgolo. Lebella hore participatory natural resource management e tla ba mosebetsi o lenama o eketsehang nako le nako. Ba fanang ka ditshebeletso tsa ditjhelete le mekgatlo ya mmuso ya tsamaiso ya mosebetsi ba hloka ho ellelwa hore mosebetsi wa ho hlalosa le ho ngodisa mekgatlo ya baahi le ho kenya tshebetsong ditheo tse hlwahlwa ke mosebetsi o lenama o bileng o le boima haholo, o ka nka dilemo tse ka bang 10 ho o phetha mme o bileng o le hloka maikemisetso a nako e telele le tshehetse e tswellang.
Hlompha ditumelo tsa baahi. Nkela nalane, tumelo le mekgwa e fapaneng ya botjhaba le mmetlo hloohong mme o se ke wa lebella hore baahi ba tla ikamahanya le mekgwa ya sejwale-jwale ya ho etsa dintho. O utlwisise mekgwa le melao ya boitshwaro ya baahi mme o hlomphe ditheo tsa setso tsa puso moo di amohelehang teng. Hlompha mekgwa ya baahi ya tsamaiso empa ka mehla o etse bo nnte ba hore mekgwa ena e amohelehile semolao.
Etsa bonnete ba hore ho be le tshepano mme o sebetse ka thata ho e boloka e phela.
Hodisa le ho baballa bo mpodi, baetapele, baemedi le bahlokomedi, ba mesebetsi, mekgatlo tlhaho, kelello le tsebo e sebetsang ho CBNRM. Aba boikarabelo mme o fe baetapele ba sa ntsaneng ba hola monyetla wa ho itshupa.
Hlokomela le ho tshireletsa mehlodi ya tlhaho. Hang ha mehlodi e se e le siyo, ha ho CBNRM. Tsetela haholo melaong ya boitshwaro le leano la tsamaiso le leano la tsamaiso le tshehetswang ke bohle. Sebetsa mmoho le balekane ba hao ho hodisa leano le phethahetseng la tsamaiso bakeng sa mehlodi. Kopanya kutlwisiso le tsebo ya batho ya mehlodi le lesedi ho tswa ho balekane ba hao, sepheo e le ho rala leano le hlakileng le bileng le ka sebediswa ha bobebe la tshebetso. Kenyeletsa melao eo ho dumellanweng ka yona mabapi le tshebediso ya mehlodi leanong lena. O boele o kenyeletse mokgwa oo ka ona ho tlang ho laolwa tshebediso le maemo a mehlodi. O tlameha ho nka karolo dintlheng tsohle tsa ntshetsopele le ho kengwa tshebetsong ha leano lena mmoho taolong ya mosebetsi.
Sebetsa le batho ba bangata ka hohle ka moo o ka kgonang. Ho bohlokwa haholo hore mantswe ohle a utluwe mme a emelwe mehatong yohle, haholo dihlopha le batho ba fokolang, ba lokela ho kgothaletswa ho kenya letsoho ka ho hlahisa maikutlo a bona. O ele hloko dihlopha le batho ba matla ba lekang ho sebedisetsa merero ena ho ithuisa. Ho bohlokwa ho fumana hore na ke bo mang ba amehang tshebedisong ya mehlodi ya tlhaho. Nyehelo ya bona ke ya bohlokwa haholo mme ditabatabelo tsa bona di tlameha ho emelwa ka tshwanelo.
Sebedisa mokgatlo wa kemedi o matla o bile o tshepahala (jwalo ka komiti) ho emela baahi. Haeba ho le teng mokgatlo o matla jwalo ka setlamo sa ntshetsopele (Development Trust), mme o etsa mosebetsi o motle o ka hla wa sebedisa ona. Haeba o le siyo, o tla tlameha ho kgetha batho ba tshepahalang, nba sebetsang ka thata mme ba ikemiseditse ho tswa makaleng a fapaneng setjhabeng ho etella mosbetsi pele lebitsong la setjhaba.
O hlalose ka botlalo se lebeletsweng le se hlokwang hore morero o se phethwe. Kenya tshebetsong mohopolo o hlakileng wa se lebeletsweng, empa o tsepame mabapi le melemo e ka nnang ya unwa. Etsa hore balekane bohle ba tswang ka ntle ba utlwisisa le ho arolelana mohopolo ona le wena. O hlokomele hore mehopolo ya hao e se kgellwe fatshe ke balekane ba bang.
O hlokomele hore ho teng mefuta e fapaneng ya melemo le hore e meng ya yona ke ya nako e kgutshwanyane ha e meng e le ya nako e telele. Boholo ba batho bo tla ba le thahasello ya ho fola melemo ya tjhelete ka kotloloho, hang-hang. Melemo e meng e kenyeletsa maemo a ntlafetseng a bophelo, ntlafatso ya bokgoni le boqhetseke (tsebo ya mosebetsi wa matsoho le ho ba serutehi), tshebedisano mmoho setjhabeng le makaleng a mang, mmoho le menyetla e ntlafetseng ya boiphediso. Melemo e ka unwang ho tswa mmusong, bafani ba dinyehelo, kapa tshehetso e tswang mekgatlong eo e seng ya mmuso (NGOs) e kenyeletsa : tshireletseho ya ya ka nako e telele le ditokelo tsa mehlodi le mobu, tshireletseho kgahlanong le ditshoso tse tswang ka ntle, thuso dipuisanong tsa kgwebisano le lekala la poraevete. Ke na dipuisanong bakeng sa melemo ena mme o etse bonnete ba hore bohle ba e utlwisisa ka botlalo projeke e sa ntsane e qala.
Ananela ntlha ya hore melemo e tswang ho CBRNM e ke ke ya rarolla mathata ohle a setjhaba. CBNRM e ka kgona ho fana ka menyetla e mmalwa feela ho thusa batho hore ba fihlilele ditlhoko tsa bona. E tlameha ho nkuwa e le monyetla wa tlatsetso mekgweng eo baahi ba iphedisang ka yona. Batho ba lokela ho kgothaletswa ho tswelapele ka mesebetsi ya bona e fapaneng le hore ba se ke ba itshetleha haholo hodima melemo e tswang ho CBNRM.
Bao ba intshang sehlabelo se seholo kapa ba kenya letsoho, ba lokela ho una molemo ho feta ba bang. Bao ba tlang ho lahlehelwa haholo ka mekgwa tsela eo CBNRM e fetolang mekgwa ya bona ya tshebediso ya mehlodi, ba lokela ho tshetswa hore ba kgone ho fumana ditsela tse ding tsa ho kenya tjhele. Ba ka nna ba boela ba fumana ditlhapiso tse itseng (mohlomong ba fumantshwa mosebetsi projekeng) Haeba setjhaba sohle se tlameha ho nka karolo, baahi bohle ba tlameha ho una molema. Batho ba bang ba nne ba une molemo ho feta ba bang ka mehla, ha ngata ka ho fumantshwa mosebetsi ka ditsela tse itseng. Baahi ba nyehelang ho feta ba bang ba ka lebella ho una molemo ho feta ba bang.
Lebella tsitsipano le qhwebeshano. Sehlopheng sefe kapa sefe sa batho, haholo moo tjhelete e amehang kapa moo dipehelo di behwang hore na batho ba tla sebedisa mehlodi ka tsela efe, qhwebeshano e atisa ho ba teng. Itokisetse ho tobana le le maemo ana mme o leke ho a rarolla pele a etswa taolong. Ho a thusa ho ba le mokgwa wa dipuisano o bulehileng o bile o fa batho monyetla wa ho hlahisa maikutlo le ditletlebo tsa bona. Tsena di tlameha hore ho buisanwe ka tsona pontsheng ka nako tsohle mme di arabelwe katsela tse nepahetseng.
Etsa bonnete ba hore bohle ba tseba boikarabelo ba bona morerong ona mmoho le seabo seo ba lokelang ho ba le sona. Tshwara dikopano kgafetsa ho etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba kamoo a tshwanetseng ho nyehela ka teng morerong ona, le hore o etsa seo ho dumellanweng ka ka sona. Rala tokomane ya molaotheo le dintlha tsa tataiso bakeng sa mesebetsi e fapaneng mosebetsi o sa ntsane o qala.
Sebedisana le mmoho le baahi mmoho le balekane ba tswang ka ntle. Ho tlameha ho ba le motjha o phethahetseng wa dipuisano pakeng tsa bohle ba amehang ka dinako tsohle. Hodima dikopano tse hlophisitsweng ka tshwanelo, baemedi ba sehlooho ba setjhaba ba lokela ho fumaneha neng kapa neng ho baahi ba bang le ba balekane. Hona ho tla thusa ha ho sebetsanwa le mathata kapa diketsahalo tse hlahellang botjha, hang ha di etsahala.
Ananela ntlha ya hore ho tla nka nako pele ho unwa melemo ya sehlooho. Diprojekeng tsa CBNRM mosebetsi boholo o atisa ho hlokeha pele melemo ya nnete e ka unwa. Mosebetsi wa bohlokwa wa baemedi ba setjhaba ke ho boloka setjhaba se kgothetse mme se ikakgetse ka setotswana, le ha ho ntse ho se melemo ya tjhelete e hlahisitsweng. Ka nako yona eo buisana le mmuso le balekane ba bang bakeng sa melemo e ka fumanwang ka nako eo.
Etsa bonnete ba hore batho ba tseba hore na mobu le mehlodi ya bona e ameha jwang pholising ya naha mmoho le le ya matjaba. Kopa thuso ho balekane le mekgatlong e fapaneng ka ditshehetso ho fihlella sena. Batho ba boetse ba lokela ho tseba dipholisi tsa mmuso mabapi le mehlodi ya tlhaho le tshebediso ya yona mmoho le taolo le tsamaiso ya yona. Batho ba tlameha ho utlwisisa hore na nyehelo yabona e ameha jwang mokgeng o moholwanyane wa CBNRM ka hare ho naha, Afrika mmoho le lefatsheng ka bophara.
Boloka menyetla ya hao ya boikgethelo e bulehile mme o hodise le ho phapano maemong ohle. Lethathama la mehlodi e ka sebediswang mefuteng e fapaneng ya mesebetsi e nyehelang ho CBNRM le mehlodi e mengata e fapaneng ya kuno ya malapa di thusa setjhaba ho tswela pele ka bophelo. Dintlha tsena di boetse di ba thusa ho iphumana ka morao ho diphetoho tseo ba neng ba sa di lebella tsa sepolotiki, moruo le tlhaho, ka ha mahe a bona ha a ka hara seroto se le seng.
Laola mehlodi ya tlhaho ka hloko.Mohlodi wa mehlodi ya tlhahoke mokokotlo wa CBNRM. Ebang mohlodi ona o ka fediswa CBNRM e ke ke ya kgona ho ho nka karolo. Fumana lesedi le tshepahalang mabapi le dipaterone tsa mehlodi (ke hore na e sebedisetswa eng, ke mang ya e sebedisang, e sebediswa ha kae, makgetlo a makae jwalo- jwalo.) mmoho le bokgoni ba tlhahiso ya diphedi pele ho ka kenwa ditumellanong. Tsetela karolo e bonahalang, e bileng e nepahetse ya kuno tsamaisong ya mehlodi. Ho bonahetse hore 10-20% ya kuno e atisa ho ba le molemo. Tjhelete eo e leng yona ya sebele e tla itshetleha maemong a ditaba?
Theha mekgatlo ya baahi. Hore o etse bonnete bo matla ba hore setjhaba se ithuela mehlodi, mokgatlo wa baahi o tlameha ho aba mosebetsi wa tsamaiso le ho nka diqeto. O sebedise mekgatlo e leng teng ho ena le e metjha. Empa o nke diqeto tse nang le lesedi le phethahetseng mme o se senye maikemisetso a CBNRM, haeba mekgatlo e metjha e hlokeha. Mokgatlo ona o tla hloka tshehetso e nepahetseng mme hangata le thupello ho phetha mosebetsi ona. O tla hloka ho hodiswa hantle. O hlokomele hore kaho ya matla ke mosebetsi wa nako e telele ka mehla.
Etsa bonnete ba hore CBNRM e hlahisa melemo ya nnete hona jwale le nakong e tlang molemong wa baahi. Etsa bonnete ba hore melemo e tobang ya baahi e dumellana le ditjeho tsa ho baballa le ho laola mehlodi ya tlhaho. Baahi ba phela bophelo bo potlakileng mme mobu o a haella. Ba ke ke ba tsetela ka nako, mobu le mehlodi e meng ya CBNRM ntle le haeba ho na le melemo e meng e tobang e bile e hlakile. Etsa bonnete ba hore ho na le mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang ke CBNRM. Kennya tshebetsong maano a hlakileng a projeke. Leano le tlameha ho araba dipotso tsa taolo ya boleng, botsitso kapa thepa e fumanehang sehleng se itseng fela.
Lebella hore ho tla ba le diphapa-phapano tse kgolo mosebetsing ka mong mme o laole maemo a mang le a mang a ditaba ka ho ikgetha. Kenya tshebetsong melao ya baahi le mekgwa ya boitshwaro, ditsela tsa ho etsa dintho ka ho dula o ithuta le ho tlwaela melao. Empa o hlokomele dipholisi le maano a tshebetso a naha, a provense le a selehae mme o a sebedise molemong wa hao. Ha ho melao e tlamang ho CBNRM. Sebedisa seo o ithutileng sona nakong e fetileng mme o laole maemo kgafetsa.
Rala leano la taolo. Qala ka leano entsweng lapeng le melao, kapa molaotheo mme o ahe hodima yona. Fumana keletso e ikgethang empa o etse bonnete ba hore leano le dumellana le ditlhoko tsa baahi.
Sebedisa batsamaisi ba mosebetsi ba nang le tsebo mmoho le hatshehetsi le baeletsi bao o ka ba tshepang ka hohle-hohle. Maikemisetso a ho qetela a merero ya CBNRM ke ho atleha ntle lle thuso ya ka ntle empa, hona ho ka nka nako e telele. Maemong a mang ditshebeletso tse ikgethang di ka nna tsa fumanwa ho tswa ka ntle, tse kang tsa papatso. Hona ho a etsahala maemong a mangata a kgwebo.
Etsa bonnete ba hore batho ba nepahetseng ba nka karolo ho CBNRM. Sebedisa batho ba nang le bokgoni, maikemisetso, le kelello e batsi, ba ka kgonang ho sebedisana le batho ba bang ha bobebe. Emong le emong (setjhaba, mmuso, batshehetsi). O tlameha ho hira mpodi bakeng sa mosebetsi ka mong wa bohlokwa. Eketsa sehlopha sa baetapele ka ho fa batho ba nang le boiphihlelo maikarabelo le thupello.
Lebella kgohlano le ho tsekwa ha matla mme o be le maano bakeng sa hona nako e sa dumela. Ho tsekwa ha matla boemong ba selehae ho itlhahisa hang ha ho ena le melemo e ka unwang mme setjhaba se a arohana. Sebetsana le kgohlano e sa le nako.
Theha setlamo le balekane ba ka ntle mme o sebetse ka thata hore ba se o phonyohe. Sebetsa le mekgatlo e meng mmusong le lakaleng la poraevete mme o ba fe monyetla. Etsa bonnete ba hore le bona ba una molemo ka ho sebetsa le wena, empa o hlokomele hore hona ho ka baka mathata. Haeba balekane ba ameha dintlheng tsa motheo tsa mosebetsi tse jwalo ka ho kotula mehlodi, sebetsa le bona mme o laole le ho beha mesebtsi ya bona leihlo.
Etsa ditekanyetso tse nepahetseng. Nako le tjhelete e eketsehileng e a hlokeha ho etsa hore tshebedisanommoho e atlehe. Ho laola mosebetsi ka kopanelo ho qosa tjhelete e ngata mme ho nka nako e telele ho feta tsamaiso e tlwaelehileng empa ke yona e sebetsang ka katleho. Molemo wa bohlokwa-hlokwa ke hore taolo e fapaneng mme e thusa ka ho kopanya dintlha tse ngata tsa CBNRM.
Tshepahala. Nka nako dipuisanong mme o leke ho fumana tharollo tse nepahetseng. Empa o se ke wa ba bonolo haholo ho dihlopha tse nang le seabo. Ba tsebise maikutlo a hao, maano le mekgwa ya tshebetso mme o a hlahise ho bohle hang hang. Kgothaletsa ponaletso, ho botsa dipotso le dingangisano ka nako tsohle. Etsa bonnete ba hore o fumana dikarabo ho tswa ho bohle bao eleng ditho tsa setlamo bakeng sa maano ka moso.
Etsa hore pholisi akaretse bohle mme e ikamahanye le maemo a a ditaba. Sebetsa mmoho le setjhaba e sa le nako ntlafatsong ya ya pholisi. Etsa matsapa a ho kenyeletsa tsebo le bokgoni ba baahi, ba boholo-holo ka hare ho dipholisi moo ho hlokehang. Dipholisi di tlameha ho kgona ho amohelwa le ho ntlafatswa ho itshetlehilwe maemong a nako e fetileng.
Dipampiri tsa dipholisi di tlameha ho utlwisiseha ha bobebe mme di fumanehe habobebe. Etsa hore dintlha tsa bohlokwa hlokwa di utlwisisehe ha bobebe. Se ke wa sebedisa mantswe a thata?
Kenya tshebetsong dipholisi tse akaretsang mme di le batsi maemong a naha le a diporovense tse tlang ho ho ba motheo oo melao e tlang ho ahwa hodima ona. Hokela dipholisi tsa baahi morerong wa IDP mme o sebedisane mmoho le makgotla a taolo a baahi. makgotla a taolo ya baahi le merero ya IDP e fana ka motheo wa ho kopanya mosebetsi wa setjhaba. Ka mora moo efa baahi monyetla wa ho etsa melao ya bona, ba sebedisa tsebo le meetlo ya baahi.
Ikemisetse ho qetella o fetiseditse taolo ho basebedisi ba mehlodi ka bo bona, hang ha ba se ba fumane thupelo e hlokehang. Efa batho tshireletseho ya nako e telele le ditokelo tsa mehlodi le mobu. Batho ba tlameha ho tseba hore na ntlha kemo ya bona ke efe le hore na ba ka lebella melemo efe pele ba ka tsetela nako le tjhelete tsamaisong ya mehlodi ya bona.
Kenyeletsa ba-nka karolo bohle boemong ba selehae ba ka bang le tshusumetso morerong kapa ba amehang morerong.
Lefapha ka leng le tlameha ho etsa bonnete bahore ba ikamahanya le melao, dipholisi le ditumellano tsa baahi. Mafapha a boetse a tlameha ho laola mosebetsi wa bahlanka ba mafapha.
Dipholisi di tlameha ho sebetsa. Diqoso le dikahlolo tse ding di tlameha ho kenngwa tshebetsong ha ho etswa tlolo ya molao. E fa bahlanka ba maemong a tlase-tlase monyetla wa ho inkela diqeto ha ba sebedisa molao. Ananela ntlha ya hore maemo a fapane.
Bopa maemo a hlakileng bakeng sa batho ba sebaka, pele taolo ya mehlodi ya tlhaho e ka fetisetswa ho bona. Hona ho kenyeletsa ho kenya tshebetsong lekgotla la tsamaiso, ho ba le mokgatlo wa semolao jwalo ka setlamo kapa Trust Common Property Associate kapa khampani ya karolo ya 21 e bontshang bonyane maemo tsamaiso a matla, e nang le mokgwa wa taolo o sebetsang. E fa balekane ba ka ntle monyetla le tshehetso ya setekgeniki ho thusa setjhaba ho qala mosebetsi.
Aha bokgoni. theha letlole la thupello la CBNRM, ho tswela pele ka ho ntlafatsa bokgoni ba hore ho tsamaisa mehlodi ya bona mmoho le balekane ba bang ho kenyeletswa le masepala hore ebe karolo ya mosebetsi.
Tlosa ditshita pakeng tsa mekgatlo ya kemedi, kapa o ahe marokgo ao ho tla tshelwang ditshita tseo ka ona. Mokgatlo ka mong o tlameha ho hlalosa mosebetsi wa ona tshebedisong e kopantsweng ya mobu, mme o hlakise hore na o tla nyehela jwang. Mekgatlo ya kemedi e tlameha ho theha menyetla mesebetsi ya CBNRM mananeong a fapaneng le fana ka thupello e nepahetseng le tshehetso ya ditjhelete. Dihlopha tse sebetsang ka kopanelo tsa CBNRM di tlameha ho ba thehwa boemong ba naha le ba diporovense.
Fumana lesedi le nepahetseng pele o saena ditokomane. Kgoneho ya katleho ya moruo le tlhaho, ditumellanong tsa karolelano ya melemo, tsamaiso e kopanetsweng le phetiso mobu le thepa e enngwe e tlameha ho se belaetse.
Bebofaletsa setjhaba ho uneng molemo wa tjhelete ho tswa ho CBNRM. Mehlala e kenyeletsa: Ho dumella ho fetisetswa ha tehpa e ka rekiswang setjhabeng; ho dumella di laksense hore di rekisetswe batho ba bang jwalo ka lekala la poraevete, tlasa dipehelo tse itseng ho nyehlisa melao e amang taolo ya ditjhelete bakeng sa dihlopha tse itseng, haholoholo bao ba sa kgoneng ho bua Senyesemane ka nepo.
Tiisetsa batho melemo e itseng e seng ya ditjhelete, jwalo ka tshehetso le tshireletseho ya semolao kgahlanong le ditshoso tse tswang ka ntle, ya setekgeniki, ya ditjhelete le ya sepolotiki bakeng sa tsamaiso e matsohong a baahi, kaho e tsitsitseng ya matla le bokgoni bakeng sa baahi, ho ba thusa ho tsamaisa dibaka tsa bona ka nepo; ditshebeletso tsa tsamaiso ya mosebetsi, phihlello ya dikadimo tsa ditjhelete le thepa e nngwe, thuso ka ho kena dipuisanong tsa kgwebo le lekala la poraefete.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA MESEBETSI.txt</fn>
Ka ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 57 ya Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), Letona la Mesebetsi le batla ho nyolla dipenshene tsa kgwedi le kgwedi tse leshwang ka ho ya ka dipehelo tsa dikarolo tsa 39 (c) le (d) le 40 (a), (b), (c) le (d) tsa Molao wa Ditlhapiso tsa Basebetsi, 1941 (Molao wa No. ya 30 wa 1941), le ka ho ya ka dipehelo tsa dikarolo tsa 49 (a) le 54 (a), (b), (c) le (d) tsa Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), ka % bakeng sa dikotsi tse hlahileng pele ho la 1 Hlakubele 2002 ekasitana le mafu a mosebetsing a fumanweng a tshwere basebetsi pele ho la 1 Hlakubele 2002, mme hona ho tla qala ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho tshwaela ka diphetolo tse sisintsweng , o tla tshwanela ho romela ditshwaelo tseo ho Mokhomishenara wa Ditlhapiso, P.O. Box 955, Pretoria, 0001, ho eso fete la 30 Pudungwana 2002.
MOLAO WA No.
PHETOLO YA SHEJULU YA 4 YA MOLAO WA No.
Letona la Mesebetsi le rata ho fetola Shejulu ya 4 ya karolo ya 55 ya Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993) ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
Palo e fihlang hohwahla ya tjhelete e tla balwa ka tlasa ntlha ya 2 e le tekanyetso e tshwanang le ya bonabo ba ho holofala saruri ho fihlang bonabong ba 30%.
Penshene ya kgwedi le kgwedi e nang le penshene e badilweng tlasa ntlha ya 4 ka tekanyetso e tshwanang le ya bonabo ba kgolofalo ya saruri ya bonabo ba 100%.
Penshene ya mosebeletsi ya kgwedi e menahane habedi e leng eo e neng e tla leshwa mosebeletsi tlasa ntlha ya 4 ha a ne a holofetse ka botlalo bakeng saruri.
ya penshene ya kgwedi le kgwedi e leng eo e neng e tla leshwa mosebeletsi tlasa ntlha ya 4 ha a ne a holofetse ka botlalo bakeng saruri.
ya penshene ya kgwedi le kgwedi e leng eo e neng e tla leshwa mosebeletsi tlasa ntlha ya 4 ha a ne a holofetse ka botlalo bakeng saruri, e fuwa ngwana e mong le e mong.
Palo e bonahalang bakeng sa lepato ho fihlela boholong ba R kapa palo eo e leng yona hantlentle, mme ho tla ya ka hore ke hofe ho ka tlase.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho tshwaela ka diphetolo tse sisintsweng , o tla tshwanela ho romela ditshwaelo tseo ho Mokhomishenara wa Ditlhapiso, P.O. Box 955, Pretoria, 0001, ho eso fete la 30 Pudungwana 2002.
MOLAO WA No.
Ka tlasa karolo ya 83 ya Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), Nna, Letona la Mesebetsi, ka hona ke beha palo ya R ka kgwedi ho ba yona boholo ba palo ya tjhelete e tla fumanwa ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
MOLAO WA No.
Ka tlasa karolo ya 57 ya Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), Nna, Letona la Mesebetsi, ka hona ke beha le ho nyolla dipenshene tsa kgwedi le kgwedi tse leshwang ka ho ya ka dipehelo tsa dikarolo tsa 39 (c) le (d) le 40 (a), (b), (c) le (d) tsa Molao wa Ditlhapiso tsa Basebetsi, 1941 (Molao wa No. ya 30 wa 1941), le ka ho ya ka dipehelo tsa dikarolo tsa 49 (a) le 54 (a), (b), (c) le (d) tsa Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), ka % bakeng sa dikotsi tse hlahileng pele ho la 1 Hlakubele 2002 ekasitana le mafu a mosebetsing a fumanweng a tshwere basebetsi pele ho la 1 Hlakubele 2002, mme hona ho tla qala ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
MOLAO WA No.
PHETOLO YA SHEJULU YA 4 YA MOLAO WA No.
Ka ho ya ka karolo ya 55 ya Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Mosebetsing, 1993 (Molao wa No. ya 130 wa 1993), Nna, Membathisi Mphumzi Shepherd Mdladlana, Letona la Mesebesi, ka hona ke fetola Shejulu ya 4 hore a balehe ka mokgwa o latelang ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA NTSHETSOPE.txt</fn>
Ke eng e kgothalletsang bafani ho fana?
Morero ka Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997 ke ho kgothalletsa le ho tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello phehisong ya yona tekong ya ho thusa ditlhokong tsa setjhaba sa Afrika Borwa se mekgamekga ka ho hlahisa boemo boo ho bona mekgatlo eo e seng ya phahello e ka sebetsang ka katleho; le ho ntshetsa pele bokgoni ba mekgatlo eo e seng ya phahello hore e be balekane ba kgonang le mmuso le dikarolomoruo tsa poraevete phahamisong le tlhokomelong ya ditjhaba le ditikoloho tsa Afrika Borwa; le ho kgothalletsa mekgatlo eo e seng ya phahello ho amohela boikarabelo ba ho nnetefatsa hore e hlokomela le ho boloka maemo a phahameng a tsamaiso: puso e lokileng; botsamaisi bo utlwahalang; keketso ya mehlodi; pokelletso e atlehileng ya ditjhelete; dikamano tse molemo le mmuso; setjhaba se unang molemo ho bafani, batshehetsi ka ditjhelete le ho setjhaba ka kakaretso; tsamaiso e hloko ya mekgatlo ya bona le boitshwaro bo amohelehileng.
Lefapha la Ntshetsopele ya setjhaba le hlahisitse melawana ena ho ya ka tse hlokwang ke Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997 ka mora dipuisano le boemedi ba mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello Afrika Borwa yohle. Melao ena ke sephetho sa ponelopele e kopanetsweng ka se bopang tsamaiso e lokileng ho etella pele le ho tsamaisa mekgatlo eo e seng ya phahello ya boholo bo fetanang dikarolong tsa ditabatabelo tse fapaneng, ho shebilwe ka ho qolleha puso, tsamaiso, pokelletso ya ditjhelete hammoho le bafani. Ho tsheptjwa hore ka ho etsa tataiso ena mokgatlo ka mong o ingodisang tlasa Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello o tla amohela tataiso ena mme o e sebedise molemong wa ona le ho ntshetsa pele karolo eo e seng ya phahello Afrika Borwa yohle.
Le ha ho na le dintlha tse tharo tse toboketswang Molawaneng wa Tsamaiso e ntle dikarolwana tsena di kopantswe tokomaneng e le nngwe. Sena ke ho amohela hore mokgatlo oo e seng wa phahello, o behang ditholwana o una molemo ho kopaneleng boikarabelo ha ba tshwaraneng le ho fana, ho bokelletsa le ho tsamaisa mehlodi e fapaneng.
Molao wa Tsamaiso e lokileng o a akaretsa, empa ha o fane ka maemo a boitshwaro ka botebo. Ba ditulong mekgatlong eo e seng ya phahello ba ikarabella tsamaisong ya mekgatlo ya bona le ho boloka tayo ho ya ka melaotheo ya bona. Ka baka la ho hlokomela hore melawana ena e tla sebediswa ke mefuta e mengata e fapaneng ya mekgatlo eo e seng ya phahello; e sebetsang tlasa maemo a mangata a fapaneng, sengolwa sena se a akaretsa, mme se ngotswe ka mokgwa o etsang hore melawana e utlwahale mme e sebedisehe.
Leano - Mokgatlo oo e seng wa phahello o ithuela maano ho laola mehato ya ona ditabeng tsa bohlokwa. Leano ka leng le hlahisa tseo mokgatlo o di emetseng mme ke polelo e akaretsang e supang sepheo. Maano a hlakisa dipotso tse mabapi le ka moo mokgatlo o tsamaisang tshehetso ya ona ka teng mehatong e fapaneng nakong ya jwale le e tlang.
Lekgotla la taolo - Sehlopha sa baemedi ba mabatowa a mokgatlo oo e seng wa phahello ba kgethilweng kapa ba memilweng ho sebetsa ka boithaopo e le baetapele ba molao ba mokgatlo oo e seng wa phahello.
Batsamaisi, kapa Komiti ya Boetapele.
Mofani - Motho kapa mokgatlo o dumelang ho fana ka mehlodi, hangata tjhelete, ka boithaopo ho latela boipiletso bo fapaneng bo entsweng ke mokgatlo oo e seng wa phahello ho tshehetsa mananeo, diprojeke le ditjeho tsa mosebetsi tsa bona.
Mohlanka wa mananeo-Motho ya sebediswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello ka mehla, ka dinako tse itseng kapa ka boithaopo ho laola kapa ho tsamaisa lenaneo la tshebeletso le etseditsweng ho fihlela dipheo tsa ona. Ka nako tse itseng, e se hangata, boikarabelo bona bo hirelwa motho kapa kgwebo e ka ntle e fanang ka tshebeletso e jwalo.
Phethahatso - Motho ya filweng boikarabelo ba ho etella pele mokgatlo oo e seng wa phahello ka nako tsohle kapa e le mosebetsi wa nako tse itseng kapa e le moithaopi.
behwa ke lekgotla la taolo la mokgatlo oo e seng wa phahello mme o ikarabella lekgotleng leo ditabeng tsohle tsa tshebetso ya letsatsi le letsatsi ya mokgatlo.
Mohlanka ya ikarabellang - Motho ya filweng boikarabelo ba ho tsamaisa ditjhelete tsa mokgatlo oo e seng ya phahello tsa letsatsi le letsatsi. E ka ba mosebetsi wa ka mehla, kapa wa nako tse itseng kapa motho ya fuweng mosebetsi a le ka thoko kapa feme ya batshwari ba dibuka tsa ditjhelete, kapa moithaopi, ho ya feela ka boholo le tharahano ya mokgatlo, kuno le tshebediso ya ona ya ditjhelete.
Moithaopi - Motho ya fanang ka ditshebeletso mokgatlong oo e seng wa phahello le mamaneong a ona a tsamaiso le ho bokella ditjhelete ntle le tefo. Le ha ho le jwalo ditshenyehelo tse tswang mokotleng wa hae di atisa ho buselletswa ke mokgatlo oo e seng wa phahello; mme ka nako tse ding moithaopi o fuwa tefo ya teboho.
Mokgatlo oo e seng wa phahello - Sena ke sehlopha sa batho se kgobokaneng ka sepheo se le seng, mme se dumellana ho etsa lenaneo la molao le tla phethahatsa sepheo sena. Ba sebelletsa sepheo sena mme ha ho ka ba le kuno e fetang ditshenyehelo phahello kuno ena e fetang ditshenyehelo e sebediswa molemong wa sepheo sa bona.
Mokgatlo wa Thekolohelo kapa wa Bodumedi.
Molaodi - Motho ya filweng boikarabelo ba ho laola tsamaiso ya mokgatlo oo e seng wa phahello ya letsatsi le letsatsi.
ka ba mosebetsi wa ka mehla kapa wa nako tse itseng kapa wa boithaopo, ho ya feela ka boholo le tharahano ya mokgatlo.
Molaotheo - Tokomane ya molao e nang le polelo ya maikutlo a lebisitseng ho thehweng ha mokgatlo, ponelopele le merero e batsi ya mokgatlo oo e seng wa phahello.
Temana ya 21 ho hlokahala le Tumellano tsa Mokgatlo.
Mmokelletsi wa matlole - Motho ya sebediswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello ka mehla, ka nako tse itseng kapa ka boithaopo ho batlana le mehlodi, hangata, tjhelete ho tshehetsa mananeo, diprojeke le ditjeho tsa tshebetso. Mosebetsi ona o ka boela wa fuwa motho kapa kgwebo e ka ntle e sebetsanang le ho bokella ditjhelete.
Maikemisetso - Ena ke polelo e kgutshwanyane e supang sepheo sa mokgatlo oo e seng wa phahello le ho bontsha lebaka la ho ba teng ha ona. Ha eba mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho phetha seo o se reretsweng morero wa ona o lokela ho lekolwa botjha kgafetsa.
Motho ya ditulong - Motho ya kgethetsweng ho ba setulong sa matla le boikarabelo ka hara mokgatlo oo e seng wa phahello. E ka ba pusong kapa taolong; ka nako tsohle kapa ka nako tse itseng kapa ka boithaopo.
Motshehetsi -Motho kapa mokgatlo o tshehetsang phatlalatsa mokgatlo oo e seng ya phahello kapa tshebetso kapa mosebetsi o itseng wa ona, hangata e le ho pepesa motshehetsi, dihlahiswa kapa ditshebeletso tysa hae setjhabeng.
Ditjhelete kapa mehlodi e meng e fuwa mokgatlo oo e seng wa phahello phapanyetsanong le monyetla ona.
Setsebi - Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello ha e na mehlodi ya ho hira basebetsi ba nang le botsebi ba ho ntshetsa pele mananeo, ho tsamaisa tshebetso le ho bokelletsa matlole.
Ho a kgonahala ho beha mesebetsi ena matsohong a bathusi ba ka ntle ba hirwang ka konteraka ho fana ka botsebi ba bona mesebetsing e itseng ya nakwana le ya nako tsohle.
Ho na le dihlopha tse tharo tse ikgethileng tsa mekgatlo e amang bophelo ba setjhaba demokrasing ya Afrika Borwa.
Sa pele dihlopheng tsena ke mmuso oo ka ona setjhaba sohle se hlahisang bophelo ba sona ba dipolotiki le taolo ya bophelo ba setjhaba. Mmuso o voutelwa ho ba ditulong ka dikgetho; o fana ka ditshebeletso setjhabeng mme mesebetsi ena e thuswa ka ditjhelete tsa lekgetho la motho ka mong kapa la mekgatlo. Kuno ena e tlatselletswa ka thuso ya dinaha tse ding ka mokgwa wa dithuso le dikadimano.
Sehlopha sa bobedi ke sa kgwebo tsa poraevete kapa dikgwebo tse kgolo. Tshusumetso ya sona setjhabeng e utlwahala ha se phethahatsa ditlhoko le ditabatabelo tsa motho ka mong ka ho mo tlisetsa thepa kapa ditshebeletso tseo a di lefellang. Setjhaba se arabela ka ho lefella dihlahiswa le ditshebeletso ka boithaopo mme tshehetsong ena kgwebo e tswela pele ho phethahatsa ditlhoko tsa setjhaba mme ba iketsetsa phahello kgabareng.
Sehlopha sa boraro ke sa mekgatlo eo e seng ya phahello. Sena se bopilwe ka mekgatlo a qalehang ha batho ka bomong ka hara setjhaba ba dumellana ho sebetsa mmoho ka sepheo se tshwanang. Tshehetso ya sethatho boholo e tswa ho bathehi ba tebisang matsoho mekotlaneng ya bona, ho latele boipiletso ho bafani ho ithaopa. Mehlodi e ka boela ya tswa dikgahlanyetsong le dithusong kapa dikonterakeng tsa mmuso, hammoho le kuno eo mokgatlo o iketsetsang yona.
Ha motho ka mong kapa sehlopha sa batho ba mehopolo e kgemang mmoho se hlokomela tlhokahalo kapa bothata setjhabeng mme se etsa ho hong ho arabela tlhokahalo eo kapa ho rarolla bothata boo ba qadile mosebetsi. Ha mosebetsi oo o tswela pele ka baka la boikgathatso ba bona ka ho itlhophisa hore mosebetsi o tswele pele ho tswalwa mokgatlo. Mekgatlo e mengata ya setjhaba e dula sebopehong sena sa boithaopi, mme e kgannwa ke matla le mehlodi ya bafani ba ditjhelete le ditho tsa yona. Hang ha mokgatlo wa setjhaba o hloka ho tsejwa kapa o batla mehlodi ka ntle ho mokgatlo o lokela ho thehwa ka molao. Sena hangata se kenyelletsa: Ho kgetha lekgotla le laolang (komiti kappa boto); ho ngolwa ha molaotheo; ho bulwa ha akhaonte ya banka; ho ngodiswa ka boithaopo ha mokgatlo tlasa Molao wa mekgatlo eo e seng ya phahello; le ngodiso ya boikgethelo ya mokgatlo e le Mokgatlo oo e seng wa phahello ka Temana ya 21 tlasa Molao wa Dikhamphani, kapa e le Terasete tlasa Molao wa Diterasete.
Karolomoruo eo e seng ya phahello, jwalo ka dikarolo tse ngata, e ile ya hlokofatswa ke ho qhelelwa thoko lefatsheng ka kakaretso, dithibelo, kgahello ya mehlodi le dikamano tse sa lekanang le dikarolomoruo tse ding. Ho hlola boima bona ho hlokahala haholo ho lekola dikamano, phano ya ditshebeletso, bopepenene, boikarabelloo, puso le tsamaiso ho nnetefatsa hore ho ba le tswelopele naheng ya rona. Melawana ena ya tsamaiso e entswe ka tshehetso ya makgolokgolo a mekgatlo ya setjhaba, mekgatlo eo e seng ya phahello le mekgatlo e thehilweng ka baahi. Melawana ena e thehilwe hodima Molaotheho wa Afrika Borwa, mme e leka ho qholotsa phetoho le ho matlafatsa tikolo ya karolomoruo eo e seng ya phahello. Melao ena e itshetlehile ka ho ema ka maoto ha mekgatlo yohle eo e seng ya phahello le tshehetso ya yona.
Ketsahalo e nngwe ya bohlokwa mehatong e qalang ya ho botjwa ha mokgatlo oo e seng wa phahello ke ho lokisa Polelo ya maikemisetso. Ha motho ka mong kapa sehlopha sa batho se qala leeto le lebisang ho phethahatseng tlhoko kapa tharollong ya bothata ba setjhaba, ba na le ponelopele. Ponelopele ena ke ya bophelo bo ntlafetseng setjhabeng kapa ke ya mohla tlhoko eo e phethahaditsweng kapa bothata boo bo rarollotsweng. Mekgatlo ya phahello (dikgwebo) e qoswa ke takatso ya ho etsa phahello. Mekgatlo eo e seng ya phahello e hatela pele e phethahatsa ponelopele ya yona. Leeto lena kapa se qosang sena se atisa ho fuparwa ke mantswe polelwana tse mmalwa seratswana se sekgutshwanyane se hlalosang mabaka a makgatlo oo e seng wa pahello a ho ba teng, maikemisetso a ona?
Mokgatlo oo e seng wa phahello, ho tswela pele ha ona ka diketsahalo tsa tshebeletso, ho hloka mehlodi ha ona le tsela eo o itlhophisang ka yona, tsohle di tsepamisitswe ho phethahatseng maikemisetso a wona. Ho rera hohle ha bona, e ka ba bakeng sa lenaneo kapa phano ya ditjhelete, ho tswa takatsong ya ho phethahatsa maikemisetso.
Boetapele ba mekgatlo eo e seng ya phahello e ntseng e hlaha ka pele bo hlokomela hore ba jere boikarabelo bo boholo bo ntlha di tharo hore ba tle ba phethahatse maikemisetso le ho nnetefatsa hore mokgatlo o phela ka mehla le hona ho hola. Ya pele ke ho etsa bonnete ba hore lenanen\o la yona la ditshebeletso le fana ka seo setjhaba se se hlokang kapa mathata a rarollwa ka mokgwa o kgotsofatsang. Ya bobedi ke ho theha tshehetso (phumantsho ya ditjhelete le mehlodi e meng) e tshepahalang ya ka nako tsohle hore mokgatlo o tle o kgone ho phetha mosebetsi wa ona. Ya boraro ke ho nnetefatsa hore ho kenngwa mokgwatsamaiso o tla tiisa hore mehlodi le mananeo ohle a mokgatlo a tshwarwa ka tsela ya boikarabelo. Ha mesebetsi ya letsatsi le letsatsi ya mokgatlo oo e seng wa phahello e eketseha hoo ho seng ho sa kgonahale hore e ka etswa yohle ka nako ya boithaopi komiti kapa boto e lokela ho etsa qeto mabapi le ho beha basebetsi ba nako tsohle kapa ba nako tse itseng. Motho wa pele ya behwang o bitswa Mohokahanyi kapa Motsamaisi kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso, mme o ikarabella lekgotleng la taolo la mokgatlo.
Kgolo tshebetsong, ho fumaneng mehlodi, ditjheleteng le tsamaisong e qetella e bakile hore ho eketswe basebetsi, hangata, hangata ke mohlanka ya ka sehloohong. Mosebetsi o mong o tla nne o tswele pele ho etswa ke baithaopi kapa basebetsi ka ka nako tse itseng. Jwale le na le sebopeho se emeng ka baithaopi ka sehloohong bao e leng karolo ya boto, basebetsi ba lefshwang ka tlaase, le baithaopi ka tlasa basebetsi ba thusang ho fana ka ditshebeletso kapa ho bokelletsa ditjhelete?
Mekgatlo eo e seng ya phahello, ho sa tsotellwe ditabatabelo tsa yona le mesebetsi ya yona e fapaneng, e lebelletswe ho dumellana le tjhadimo e tshwanang eo karolo eo e tla tsejwa ka yona. Tjhadimo ena e tshwaetswa ke tlameho ya mokgatlo oo e seng wa phahello ho thusa twantshong ya bofuma, ho se lekalekane, le ho tsitlallela ho ntlafatsa bophelo le maemo a Maafrika Borwa ohle.
Ho hlompha ditokelo, meetlo le seriti sa batho bohle ho ya ka Tokodiso ya ditokelo jwalo ka ha di bolokilwe Molaotheong wa Afrika Borwa; ho boloka tekatekano ya botjhaba le ya bonna le bosadi ho itshwarelletswe ka moya wa botho?
Ho nnetefatsa hore mokgatlo o etsa dikamano le mekgatlo e kgomareretseng metheo e tshwanang le ya yona.
Hore mokgatlo oo e seng wa phahello o kgone ho fihlela merero ya ona ba ditulong ba lokela ho lokisetswa le ho hlahlellelwa ho shebana le maemo a fapaneng letsatsi le letsatsi. Hore mokgatlo oo e seng wa phahello o sebetse hantle lekgotla la ona la taolo le baetapele ba basebetsi ba hloka boitlamo, mafolofolo le boinahanelo. Lekgotla la taolo le baetapele ba basebetsi ba na le mesebetsi le boikarabelo bo ikgethang le bo kopanelwang ho fihlela sena.
Lekgotla la taolo la Mokgatlo oo e seng wa phahello le atisa ho hlaha maemong a tswetseng mokgatlo oo le o sebeletsang. Ha boleng le sebopeho sa mokgatlo se ntse se fetoha le ho hola le lekgotla la taolo le iphumana le tjamelane le ho fetola seabo sa lona. Ho a hlokahala hore lekgotla la taolo le hlakise boikarabelo ba lona nakong tsohle tsa bophelo ba lona. Lekgotla la taolo le tsamaellanang le boemo ba molaotheo le ngodiso ya lona ha le phetha mesebetsi ya lona le beha mokgatlo boemong ba katleho ka tsamaiso e ntle le motheo wa boitshwaro. Ho lokisa lekgotla la taolo ke hwa bohlokwa ho mokgatlo mme ho etsa mesebetsi e behilweng ho tonelwe mahlo. Setho ka seng sa lekgotla la taolo le lekgotla ka kakaretso se ikarabella diketsahalong tse mabapi le mokgatlo. Ba ka nna ba fetisetsa mosebetsi ho batho ba ka thoko, empa ba ke ke ba fetisetsa boikarabelo ba bona ba ho qetela.
Boholo ba mekgatlo eo e seng ya phahello e itlhalosa e qadilwe ke setjhaba se kgathallang, se batlang tshebeletso ho shebana le tlhokeho e itseng kapa se hloka ho sebedisa mehlodi ho shebana le tlhoko. Ditho tsa lekgotla la taolo hangata di iphumana di emetse le leng kapa bobedi ba mahlakore ana.
Bokgoni ba mosebetsi ba lekgotla la taolo bo lekanngwa ka mokgwa oo le shebanang le tlhokomelo, botshepehi le boikobo.
Mosebetsi wa tlhokomelo: Ho sebetsa jwalo ka motho wa ka mehla, ya bohlale maemong a tshwanang; a sebedisa tshebetso ya lesedi le hlokolotsi le tobileng. Ha ho tekanyo ya hore na motho ka mong o sebetsa hakae jwalo ka setho sa lekgotla la taolo. Tekanyo ena e hloka hore ditho tsa lekgotla la taolo di etse diqeto di ena le tsebo e lekaneng?
Ha ho hlokahale hore ditho tsa lekgotla la taolo e be ditsebi ho tsohle tse tekwang ka pela tsona. Le ha ho le jwalo, setho ka seng se se nang le botsebi bo ikgethang se lebelletswe ho phehisa ka tsebo eo e ikgethang mesebetsing ya sona jwalo ka setho sa lekgotla la taolo. Ha ho hlokahale hore setho ka seng se kene ka ho phethahala mosebetsing le diqetong tsohle tsa lekgotla la taolo. Mosebetsi wa bohlokomedi o dumella hore ho fanwe ka mosebetsi ho ditho tse ding, dikomiti le basebetsi kapa ho ba ka ntle, ka kelohloko.
Mosebetsi wa botshepehi: Ho sebetsa ka botshepehi molemong wa mokgatlo. Mosebetsi wa botshepehi o hatella hore ho be le tlhokomelo le ho hloka kgethollo maemong ao ho nang le ho thulana ha botshwaedi. Metheo ya molao e shebana le taba ena ka ho tsitlallela hore ho be le tse kang: ho pepesa tsohle ka ho phethahala, ho amohela ntlha ka bongata ba lekgotla la taolo, ho hlophisa le ho fumana tse molemong wa mokgatlo.
Mofuta o mong wa botshepehi o bonahala ha setho se bonahala se le boemong ba ho phehisana le mokgatlo bakeng sa mosebetsi o le mong. Ke ha feela mokgatlo o entse qeto ya ho lesa monyetla oo setho sa lekgotla la taolo se ka bang bolokolohing ba ho tswela pele ka bosona.
Mosebetsi wa boikokobetso: Ho etsa bonnete ba hore mokgatlo o sebetsa o ipapisitse le melao e laolang ho boptjwa le boemo ba ona le ho ya ka molaotheo le morero wa ona. Mehato e nkilweng empa e hanana le melao ya mokgatlo kapa e sa dumellane le sepheo sa mokgatlo jwalo ka ha se hlahisitswe molaotheong e ka tlohelwa ebang e tonelwa mahlo.
Ka tlwaelo ditho tsa lekgotla la taolo di ba ditulong dilemo tse 2 ho isa ho tse 4 mme molaotheo wa mokgatlo o lokela ho hlokomela hore madi a matjha a kenngwa lekgotleng la taolo kgafetsa. Lethathama le latelang la dintlha tse 10 tsa sehlooho le boikarabelo ba mekgatlo eo e seng ya phahello le hlokomela hore a?
e. Makgotla a taolo le ditho tsa ona a atisa ho fihlella bokgoni bo phethahetseng ha a sebedisa matla a ona ho botsa dipotso tse molemo mme tse hlokahalang ka nako eo, ho feta ho tsamaisa mananeo le ho kenya tshebetsong maano feela.
Lekgotla la taolo le lokela ho ngola ditokomane tse hlalosang mabaka a ho ba teng ha mokgatlo polelo ya maikemisetso, tseo ba lakatsang ho di fihlela, merero le maano. Sena se kenyelletsa le leano la thulano ya ditabatabelo ho thibela kgohlano efe kapa efe ya ho ithuisa e ka etswang ke ditho tsa lekgotla la taolo kapa ke basebetsi ka ditumellano dife kapa dife tse etswang lebitsong la mokgatlo. E lokela ho hlalosa ditlhoko kappa mathata ao ho lekwang ho a rarolla, karolo ya setjhaba eo e e sebelletsang, le dikarolo tsa setjhaba tse tshehetsang mosebetsi oo. Haholoholo e lokela ho kgona ho hlalosa boikgetho ba mokgatlo, le mabaka a utlwahalang a tla hohela ditjhelete. Lekgotla la taolo le lokela ho ba mohlala ho ipapiseng le molaotheo, maano le matsapa a merero a lona?
Ho ntshetsa pele morero le sepheo lekgotla la taolo le lokela ho kgetha batho ba nepahetseng, mme hangata le basebetsi ba ka sehloohong, bao e ka bang ba ka nako tsohle, ba nako tse ding kapa baithaopi. Sena se lokela ho kenyelletsa ho ngolwa ha tlhaloso ya mosebetsi bakeng sa maemo ana le bolaodi ba Mohlanka e moholo wa phethahatso. Mohlanka e moholo wa phethahatso, mohlomong mmoho le ba bang ba basebetsi ba ka sehloohong ba tla ba teng botong e le ditho tse sa vouteng.
Seabo sa lekgotla la taolo khirong ya basebetsi ba mokgatlo se ka kenyelletsa: maano a basebetsi, maano a tokafatso, ho boloka direkoto, ho ikobela molao, ho kgetha basebetsi, ho rala tlhahlamano mokgatlong, ho rala mosebetsi, meputso, meputso ya tshebetso ya nako e telele, ho kgothatsa bolaodi, ho hlokomela tshebetso ya basebetsi, ho ntshetsa pele mosebetsi le boprofeshenale, le dikamano tsa mosebetsing.
Hlooho kappa Mohlanka e moholo wa phethahatso wa mokgatlo oo e seng ya phahello, ka boithaopo kapa e le mosebetsi wa nako tsohle, o lokela ho ikarabella lekgotleng la taolo. Mohlanka e mohlo wa phethahatso o lebelletswe ho etsa ditlaleho nako le nako ka tswelopele ya ditshebeletso tsa mokgatlo le mesebetsi ya ho bokelletsa ditjhelete, tsamaiso le mokgwa wa tsamaiso ya ditjhelete le ho phethahatsa merero ya mokgatlo. Mohlanka e moholo wa phethahatso o hloka tshehetso ya maikutlo le diketso ya lekgotla la taolo.
Ditho tsa lekgotla la taolo di lokela ho ba le seabo ha ho rerwa tsa mokgatlo; ho hlaloswa se lakaletswang bokamoso ba ona le ka moo bo ka fihlelwang ka teng. Ke boikarabelo ba bona ho etsa qeto ka morero wa mokgatlo le ho o lekola botjha, le hore na mokgatlo o ikemeseditse ho fihlela dife ho phethahatsa morero wa ona; ho kgetha mesebetsi le mananeo a ikgethang a tshebeletso le tshehetso ao mokgatlo o tla lokela ho a sebedisa ho fihlela se tla hlokahala ho etsa mosebetsi wa ona ka ho phethahala le ka bokgoni.
Ho etsa sena lekgotla la taolo le lokela ho nnetefatsa hore: Ho na le dintlha tsa boleng tse tataisang mokgatlo; ponelopele ya nako e telelele ya bokamoso ba mokgatlo; tlhaloso ya ditholwana tse lebelletsweng mosebetsing wa mokgatlo nakong e rerilweng; moralo wa tshebetso wa selemo le selemo mmoho le ditekanyetso (kuno e tswang); mehato e lebisang ho kenya moralo tshebetsong e diswe le ho lekolwa botjha kgafetsa. Mekgatlo eo e seng ya phahello e meholo e ka kgetha komiti ya thero ho nka boikarabelo ba mosebetsi ona.
Mokgatlo oo e seng wa phahello o phela ho ya ka mehlodi eo o nang le yona ho phethahatsa merero ya ona. Ho hlokomela hore mokgatlo o na le mehlodi e lekaneng ke boikarabelo ba lekgotla la taolo. Mekgatlong e meholwanyane mmokelletsi wa matlole e ka nna ya se be setho sa lekgotla la taolo, empa lekgotla le tshehetsa diteko tsa ho bokelletsa matlole ka ho phethahala. Ke ka lekgotla la taolo ho ka susumetswang bafani ba baholo ho fana. Ditho di lokela ho ba le bokgoni ba ho thusa ka maqhama didikadikweng tseo ho ka bang le phano ya ditjhelete ho tsona. Ho etsa sena hantle bona ka bobona ba lokela ho itlama ka ditjhelete mokgatlong. Ba lokela ho theha morero wa selemo le selemo wa kuno; ba dise tswelopele ya kuno haholo. Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e kgetha komiti e bokelletsang matlole ho nka boikarabelo bona.
Lekgotla la taolo ke mohlokomedi wa mehlodi ya mokgatlo oo e seng wa phahello. Ha e le Dikhamphaning tsa Temana ya 21 boikarabelo ba ditjhelete bo jwarwa ke balaodi ba lekgotla la taolo ka bonngwe. Lekgotla la taolo le ikarabella mabapi le maruo le mehlodi ya mokgatlo le ho etsa bonnete ba hore di tsamaiswa hantle, ka tshebediso tsamaiso le mekgwa ya taolo e nnetefatsang hore maruo a mokgatlo a sebediswa ka moo a lokelang. Lekgotla la taolo le lokela ho ikgotsofatsa hore ho na le thero e lekaneng ya ditjhelete, ditekanyetso, tshwaro ya dibuka, lenane la tefo, ditaolo tsa ka hare, tlhophollo ya ditjhelete, tsamaiso ya tjhelete, taolo ya boipolokelo le boemo bo kotsi. Lekgotla la taolo le lokela ho disa ditekanyetso ka ditlaleho tsa ditjhelete tsa nako le nako le ka ho nka mehato e hlokahalang ho nnetefatsa hore ditekanyetso di dula di lekalekane selemo ho pota.
Lekgotla la taolo le bile le fumana le ho amohela tlhakiso ya selemo le selemo ya diakhaonte tsa ditjhelete, le hlokomela maruo le matsete a mokgatlo, mme le etsa bonnete ba hore tsohle di etswa ka molao. Makgotla a mang a taolo a kgetha komiti ya ditjhelete ho tsepamisa maikutlo mosebetsing ona wa bohlokwa.
Lekgotla la taolo le lokela ho utlwisisa mananeo le/kapa diprojeke tsohle tsa tshebeletso tsa mokgatlo le ka moo di thusang hore morero o phethahale. Seabo sa lona ke ho batlisisa hore na mananeo a teng jwale le ditshebeletso di kgema mmoho le merero le sepheo se boletsweng. Ho etsa sena le lokela: Ho tjhella monwana merero ya mananeo a selemo le selemo; ho dumellana le mekgwa e sebediswang ho disa le ho lekanya mananeo kapa diprojeke; ho hatella ho fumantshwa tlaleho ya tswelopele nako le nako lenaneong kapa projekeng e nngwe le e nngwe le tseo e di fihletseng; ho hlopholla moetlo le mesebetsi ya mokgatlo, le nnetefatsa diphetoho tse hlokahalang ho ahella boiqapelo, mehopolo e fapaneng, boikarabelo le tlhompho, ho ntse ho amohetswe dihlopha tsohle tsa meetlo e le balekane ba lekanang ntshetsopeleng ya mokgatlo. Ha lenaneo la ditshebeletso le rarahana haholo kapa le eba le semelo sa botekeniki haholo mekgatlo e meng eo e seng ya phahello e kgetha komiti ya mananeo ho nka boikarabelo ba mosebetsi ona.
Lekgotla la taolo le sebetsa e le lehokela pakeng tsa basebetsi ba mokgatlo, baithaopi, le ba sebeletswang ke mokgatlo, setjhaba le bafani. Hangata Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Modulasetulo ke bona babuelli ba sehlooho ba mokgatlo; mang kapa mang ya kgethwang o lokela ho fuwa matla ke lekgotla la taolo. Ditho di ka ba le kamano le dikarolo tse ngata tse nang le tshusumetso; kgwebong, maseding, mmusong. Ka mehla ba lokela ho qoba ho hlahisa maikutlo a bona lebitsong la mokgatlo, mme ba ikatellele ho phahamisa mokgatlo ka ho nepisa ditaba le ka mafolofolo hohle moo ba fumanang sebaka.
Hore di kgone ho etsa sena ditho tsa lekgotla la taolo di lokela ho ithuela tsebo ka bao mokgtlo o ithekisang ho bona baunamolemo, basebelletswa, batshehetsi, jjwalojwalo. Mekgatlong eo e seng ya phahello e meholwanyane sena se ka bolela ho ba le thahasello diphuputsong tsa mmaraka, ho rera mmaraka, ntshetsopele ya dihlahiswa, ho pakela le ho phatlalatsa, ho beha theko, ho pepesa, thekiso, dikgokahano le dikamano le setjhaba. Lekgotla la taolo le lokela ho tseba bonyane hore na mokgatlo o kgona ho fihlella bao o ithekisang ho bona hantle le ka bokgoni. Ba lokela ho hlokomela hore tlaleho ya selemo le selemo e entswe?
Letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello o nang le bokgoni, mme o hola, ke ha ditho tsa lekgotla la taolo di sa kenakenane le dikamano tsa botho tsa basebetsi kapa hona ho laola Mohlanka e moholo wa phethahatso. Nako le nako tjhadimo ya Mohlanka e moholo wa phethahatso e ka suptjwa dipha ke mosebetsi. Mohlanka e moholo wa phethahatso o tla ikopanya le Boto ditabeng tse jwalo. Mekgatlo e menyenyane kapa e metjha moo ditho tse ding tsa lekgotla la taolo di bileng di sebetsang e le basebetsi ba baithaopi ho atisa ho hlaha ho thulana le pherekano ha ditho di sa utlwisise boikarabelo ba tsona le ho hloka kelohloko ha mosebetsi eo e mmedi ka nako e le nngwe.
Tsamaiso ena e kgona ho ba le matla ha mokgatlo o thehilwe le ho latela metjha ya tayo le ditletlebo e bontshang tatelano ya boholo le boikarabelo ka ho hlaka.
Dilemo tse ding le tse ding tse pedi kapa tse tharo lekgotla la taolo le lokela ho ipha sebaka sa ho lekola tswelopele le tshebetso ya lona. Sena se ba bobebe ha setho ka seng sa lekgotla la taolo se kene mokgatlong ka tumellano ya boemo bo hlokahalang ba tshebetso kapa ho ena le tlhaloso ya mosebetsi. Tswelopele e ka lekanngwa wekeshopong ya ho itekola, kapa ha setho ka seng se botswa dipotso ke modulasetulo le/kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso.
Selekanyi seo tshebetso e sa lokelang ho ba ka tlase ho sona se ka kenyelletsa: Tsebo ya mokgatlo, boitelo mokgatlong, tshusumetso ho basebelletswa kapa ho bafani, bokgoni ba ho fana, maikemisetso a ho sebetsa.
Ho kgola ditholwana tse molemo tshebetsong ya lekgotla la taolo le basebetsi, ditho tsa lekgotla la taolo, dikomiti, basebetsi, basebetsi ba lokela ho sebetsa mmoho ka kutlwano, ka kutlwisiso ya ka moo mesebetsi le boikarabelo ba bona di fapanyetsanang ka teng. Sena sohle se etswa ka sepheo sa ho phethahatsa morero wa mokgatlo oo e seng wa phahello.
Boikarabelo ba sethatho ba basebetsi, ebang e le ba nako tsohle kapa ba nako tse itseng kapa baithaopi, ke ho kenya lenaneo la mokgatlo tshebetsong ho ya ka molaotheo wa ona, morero hammoho le meralo ya matsapa. Sena se kenyelletsa ntshetsopele ya mehlodi ya yona ya botho; tshebediso ya mehlodi ka botshepehi; qapollo ya bokgoni bohle ba mehlodi, ho kenyelletswa le nako. Tshebetso ena ya matlafatso e tobane le ho bopa bokgoni le ho ntlafatsa botsebi ba batho. Ke boikarabelo ba Mohlanka e moholo wa phethahatso ho etella ketsahalo tsena pele. O lokela ho tsitlallela hore basebetsi ba dule ba ena le tsebo mme a etse hore ba kgone ho ba le seabo ho qoholleng ditlhoko le menyetla; a ba thuse ho sebetsana le tsena mme ba fetole tshebetso eo ya bona. Ba ditulong ka hara mokgatlo ba lokela ho hlokomela melao e latelang hore ba fihlele tsena.
Ho fana ka tataiso ya leano le boetapele ho lekgotla la taolo.
Ho hira, ho laola, ho lekola le ho leleka basebetsi: Ho etsa mokgwa o lokileng mme o amohelehileng wa ho lekanya bokgoni, boitsebelo, mangolo a thuto, boemo ba boikarabelo le tshebetso, mme batho ba lefshwe ho ya ka tsona.
Ho boloka makunutu a ditaba tse sa lokelang ho phatlalatswa.
Ho fapana le dikgwebong tse fumanang kuno ka ho rekisa thepa kapa ditshebeletso, mme ho fapana le mmusong moo mehlodi e tliswang ke lekgetho, mokgatlo oo e seng wa phahello ha o na leruo la mehlodi eo e leng ya ona. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lebelletswe ho ba batsamaisi ba hlokomelang le ho kgona ho tsamaisa ditjhelete tse behilweng matsong a bona ke bafani, batshehetsi le ke mmuso. Mekgwa-tsamaiso ya ditjhelete, le ha e le e bonolo, ya motheo, e hloka ho hlabollwa le ho bolokwa ke ba ditulong tsa mokgatlo ho etsa bonnete ba hore mehlodi e sebediswa hantle.
Ho disa ho kena le ho tswa ha tjhelete ho tadimilwe ditekanyetso le ho ikamahanya le tsona moo ho kgonahalang.
Ho theha mokgwa o sebetsang wa ho fana ka dikontraka kapa ho thendara: O dumellang tse hlokwang ke molao wa ho reka; o pepenene le ho se kgetholle, o phethahatsa ditlhoko tsa kontraka le thendara ka nngwe.
O mong wa merero ya Molao wa mekgatlo eo e seng ya phahello ke ho kgothalletsa le ho tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello tshebetsong ya yona ya ho phethahatsa ditlhoko tse fapaneng tsa setjhaba sa Afrika Borwa, ka ho ba kgothalletsa ho boloka boemo bo lekanang ba bopepenene le boikarabelo. Mokgatlo oo e seng wa phahello ha o a ithuela mehlodi eo o e hlokang ho phethahatsa merero ya ona, empa o dumelletswe ho sebedisa tjhelete le dimpho tse ding ho fihlela sepheo se rerilweng. Ba fanang ka mehlodi ena ba lokela ho kgotsofatswa hore mosebetsi o tla etswa ho ya ka morero le ka boikarabelo.
Mokgatlo oo e seng wa phahello o phela le ho tshehetswa ke bokgoni ba ona ba ho ba le dikamano tse pepenene le hona ho tswela molemo ba nang le seabo. Bao mokgatlo o ba sebelletsang, ba fanang ka mehlodi mokgatlong le ba etsang hore mokgatlo o kgone ho sebetsa.
Morero o hlakileng ho tsamaisa mokgatlo le mananeo a ona. Ha ho molemo ho tshehetsa mokgatlo o se nang tshupo ya moo o yang.
Puso e kgethilweng ka hloko; boetapele ba basebetsi le basebetsi ba nang le bokgoni le baithaopi kantorong.
Matsapa a moralo wa tshebetso a sebetsang, a nang le taolo e behilweng ho disa le ho lekanya tswelopele.
Mokgatlo o ikemiseditse le ho amohela dipatlisiso le dipotso tsa setjhaba. Bopepenene bo tliswa ke ho fana ka lesedi le fumanehang, mme le nepahetseng, ka mokgatlo le mesebnetsi ya ona ho bafani le ba bang ka nako. Kopano ya ona ya selemo le selemo e fane ka lesedi le felletseng, le phatlalatsa, mme le nepahetseng mabapi le merero, mananeo le ditjhelete le puso.
Mekgatlo eo e seng ya phahello e phela ka tshehetso eo e e fumanang mekgatlong e meng, e fanwang ka tshepo le kgolo ya hore mathata le ditaba di tla sebetswa ho ya ka merero le sepheo sa mokgatlo. Ka ha mekgatlo eo e seng ya phahello e lebelletswe ho sebetsa hantle ka mehlodi ena setjhaba se lebelletse hore ba se be le diphoso. Boitshwaro bo bobe bo ka utollwang ke diphuputso kapa boraditaba e ama bohle ba nang le seabo hampe. Ka hoo mekgatlo yohle eo e seng ya phahello e lebelletswe ho tsamaisa tshebetso ya yona ka boitlhompho mme ba itshware hantle ha ba sebetsana le ba bang?
Botshepehi: Batho ba tshepahalang ba na le nnete, ba tsepame, ba otlolohile, ba phutholohile. Ha ba qhekelle, ha ba utswe, ha ba qale leshano, ha ba etsa ka ho fapoha. Basebetsi ba mokgatlo oo e seng wa phahello le baithaopi ba lokela ho ba le nnete ka ho phethahala ha ba sebetsana le bafani, baunamolemo, basebetsi, baithaopi, mmuso, ditho tsa lekgotla la taolo, setjhaba le ba boholong.
Seriti: Batho le mekgatlo e seriti ba tsitsitse, ba a hlompheha mme ba otlolohile. Ba sebete, mme ba sebetsa ka boitelo. Ba tla lwanela seo ba dumelang ho sona mme ba ke ke ba inkela filosofi e reng ha feela o fihletse seo o se batlang, hore o fihlile jwang ha se lebaka, e sa kgathalleng motheo kapa e potlakisang ditaba ho sa kgathallwe motheo. Basebetsi ba mokgatlo oo e seng wa phahello le ditho ba hlompha seriti sa maikemisetso a thehilweng ke lekgotla la bona la taolo?
Ho phethisa ditshepiso: Batho ba ka tsheptjwang ke ba phethisang ditshepiso, ba phethahatsang boitlamo, ba ikobelang tsohle tse tumellanong. Ha ba toloke tumellano ka tsela e thata, mme e potetseng e le ho itlhatswa kapa ho qoba boikarabelo.
Ho tshepahala: Batho ba ka tsheptjwang ba bontsha ho tshepahala bathong ba bang le mekgatlong e meng ka ho ba le setswalle le ha ho le hobe, tshehetso, le ho itella mosebetsi. Ha ba sebedise le ho fana ka lesedi leo ba ithutileng lona e le lekunutu ho inkunela molemo. Basebetsi le ditho tsa lekgotla la taolo ba lokela ho hlokomela bokgoni ba bona ba ho etsa qeto ntle le ho tshwaetswa ka ho qoba ka bohlale tshusumetso e sa hlokahaleng le thulano ya kgahleho.
Ho sebetsa ka nnete: Batho ba sebetsang ka nnete ba itlamela toka, ho tshwara batho ka ho tshwana, ho mamella le ho amohela maikutlo a fapaneng le a bona. Ba kelello di bulehileng, ba ikemiseditse ho amohela hore ba fositse, mme, moo ho hlokahalang, ba fetola ntlhakemo le tumelo tsa bona. Ha ba hatelle le ho ithabisa ka diphoso kapa mathata a ba bang.
Ho kgathalla ba bang: Ho kgathalla batho ba bang ho itlhahisa ka kutlwelobohloko, ho fana, ho loka, le ho sebeletsa. Ho hloka hore motho a leke ho thusa ba hlokang mme a qobe ho hlokofatsa ba bang.
Tlhompho ho ba bang: Batho ba itshwereng hantle ba bontsha tlhompho ho batho ba bang, seriti, tsa poraevete le tokelo ya boikgethelo bathing bohle ba baholo. Ba bonolo mme ba mekgwa e metle. Ba fa ba bang lesedi leo ba le hlokang ho etsa diqeto ka tsebo mabapi le maphelo a bona.
Bopepenene: Basebetsi ba lokela ho fa setjhaba lesedi le lengata ho ya ka moo ba ka kgonang e le ho dumella hore ho sekasekwe dipheo, mekgwa ya ho di fihlella le diphetho jwalo ka ha di amana le maikemisetso a mokgatlo.
Boahi ba boikarabelo: Boahi ba boikarabelo bo akga ho ikobela molao, ho ba le seabo, ho hlokomela tsa setjhaba, le ho sebeletsa setjhaba. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho hlokomela ka boikgetho ho ikobela melao le melawana yohle.
Ho tsitlallela botle: Batho ba itshwereng hantle ba ikgathatsa ka boleng ba mosebetsi wa bona. Ba batlana le botle, mme ba sebetsa ka thata, ba a tshepahala, ba kgothetse, mme ba sebetsa ka boitelo.
Boikarabelo: Batho ba itshwereng hantle ba amohela boikarabelo bakeng sa diqeto tsa bona, bakeng sa sephetho seo ba ka beng ba se hlokometse pele sa diketso tsa bona le ho sitwa ho nka mehato, bakeng sa ho beha mohlala ho ba bang le ho fana ka tlaleho ho bafani le batshehetsi mabapi le ka moo ditjhelete di sebedisitsweng.
Ho baballa tshepo ya setjhaba: Puso ya mokgatlo oo e seng wa phahello, baetapele, basebetsi le baithaopi ba na le tlameho e ikgethang ya ho eta pele ka ho beha mohlala, ho baballa le ho sireletsa seriti le setumo sa mekgatlo yohle e itshetlehileng ka tshehetso ya boithaopo le tshepo ya setjhaba, ho qoba le ho ka bonahalang eka ha ho a nepahala, le ho nka mehato efe kapa efe e hlokhalang ho lokisa kapa ho thibela boitshwaro bo sa lokang ba ba bang.
Lentswe, Pokelletso ya matlole le se le sebedisitswe ke mekgatlo eo e seng ya phahello nako e fetang dilemo tse lekgolo ho hlalosa ho bokelletsa mehlodi. Wa bohlokwa ka ho fetisisa mehloding ena ke tjhelete. Matsatsing ana ho batla ho sa kgonahale ho tshehetsa mosebetsi wa mekgatlo ena ka kuno ya bafani feela. Mehlodi e lokela ho fumanwa ho tswa mahlakoreng le mekgweng e fapaneng. Matsatsing ana bongata ba mekgatlo eo e seng ya phahello e lefisa tjhelete bakeng sa ditshebeletso tsa yona. Dikolo di kopa batswadi ho lefella bana ba bona, ditsi tsa tshebeletso tsa setjhaba di lefisa basebelletswa ba tsona, hobane ha ba sa na tshehetso e lekaneng ya bafani ho ka fana ka ditshebeletso ntle le tefo?
Ka nako tse ding bafani ba fana ka dimpho tsa dintho tse kang disebediswa, disebediswa tsa ho aha, ho ena le tjhelete. Baahi ba kgothalletswa ho tshehetsa mokgatlo ka ho fana ka nako ya bona ya boithaopo, kapa ka botsebi, kapa ka dintho tse kang dikgaretene kapa ditulo tsa kantoro. Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e etsa dikerese, disebediswa tsa ho kampela kapa ba ngola diT-shirt tse rekiswang, mme e etsa phahello ka thekiso ena e le ho lefa ditjeho tsa tshebetso. Mofuta ona wa tshehetso o ke ke wa bitswa Ho bokelletsa matlole , ka hoo lebitso le letjha le sebediswang ke Ho batlana le mehlodi.?
Ho na le baamehi ba bararo ba baholo ba nang le seabo pokelletsong ya mehlodi. Wa pele ke Mounamolemo, motho kapa setjhaba se nang le tlhoko. Wa bobedi ke Mofani, motho kapa mokgatlo o nang le tjhelete kapa mehlodi. Wa boraro ke Mokgatlo oo e seng wa phahello, o sebetsang e le leqhama la bohlokwa pakeng tsa mounamolemo le mofani. Tlhaloso efe kapa efe ya ho bokelletsa ditjhelete e lokela ho hlahisa baamehi bana ba bararo. Mohlala ke ona: Ho bopa le ho lekanya tlhokomelo ya setjhaba ya tlhoko (ya batho), le kgokahanyo ya tshebeletso ya mehlodi, ditjhelete, le mananeo a pokelletso ya matlole ho sebetsana le tlhoko eo hantle ka ditjeho tse tlase, mme mofani a kgotsofetse.?
Tlhokahalo ya ho ntshetsa lebaka tjhelete yohle e bokelletsweng lebitsong la lona e tlisa boimamelo ba mesebetsi e phethahetseng mme e fihlelang sepheo, eo hangata e bitswang pokelletso ya matlole ya profeshenale. Pokelletso ya matlole ke e nngwe ya diprofeshene tse holang ka potlako setjhabeng. Ha e sa bonwa e le mosebetsi o sa amoheleheng wa bokopakopa o itshetlehileng letootong le sa kgaotseng la mehopolo e metle eo mokgatlo oo e seng wa phahello o hopolang hore e tla atleha empa e atisa ho hloleha. Le ha pokelletso ya matlole e atisa ho etswa ke baithaopi , kapa batho ba e etsang ka nako tse itseng feela, ke mosebetsi o moholo haholo. Ka hoo mathata a mosebetsi ona a etsa hore babokelletsi ba matlole ba battle boemo ba profeshenale.
Pokelletso ya matlole tikolohong ya kajeno e fetohang e rarahane. Ha ho eso ka ho ba le tsela ya mohlolo ya ho fetola takatso e potlakileng, ya tlokotsi, ho beha ditholwana hang. Ho bile le nako eo ba neng ba lla ka thuso, ba tlerola haholo mme ba fumana thuso eo ba e hlokang. Empa kajeno, ha boraditaba ba eleketeroniki ba se ba tlisa lefatshe le mathata a lona ditjhabaneng tsa rona, setjhaba se se se thatafeletse lefatshe la ditlhoko tse atang dipelo, se felletswe ke tshepo bokgoning ba batho ba ho rarolla mathata a bona a ntseng a hola ho ena le ho fokotseha.
Ho na le tsamaiso tlhahisong ya ditjhelete e tsamayang ka tatelano ho tloha ho boitokisetso ho ya ho ho rera, ho ya ho ntshetsopele le taolo ya lenaneo la pokelletso ya matlole. Pokelletso ya matlole e tla iponahatsa le ho utlwahala ka ho sebedisa katamelo e hlophisehileng e kang ya kgwebo. Le ha ho se mekgwa e ka latelwang e atlehileng ya pokelletso ya matlole, ho na le metheo e sebetsang hantle ditjhabaneng. Metheo ena e lekilweng e thehilwe hodima tsebo ya hore pokelletso ya matlole e dula e le bonono ho feta saense.
Ka ha Mekgatlo eo e seng ya phahello e kgannwa ke takatso ya ho sebetsana le ditaba tsa setjhaba le ho rarolla mathata a setjhaba, e atisa ho shebana haholo le ho rala le ho ho kenya tshebetsong mananeo a tshebeletso le diprojeke. Kgatello e hodima boikarabelo kajeno le yona a hloka hore Mokgatlo oo e seng wa phahello o etse bonnete ba hore ho na le mekgwatsamaiso e lekaneng ho shebana le mehlodi e leng teng. Bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello e ngodisitsweng e fumane tshehetso ya bafani ba matjhaba dinako tse tswa feta, hangata e le ka ditumellano tse nkang dilemo. Maemo ana ohle a ne a bolela hore tlhokahalo ya ho rerela phumantsho ya ditjhelete ka moso ha e a ka ya shejwa e le ya bohlokwahadi jwalo ka ho fana ka ditshebeletso kapa tsamaiso.
Ha Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Mohokahanyi a kenngwa mosebetsing wa Mokgatlo oo e seng wa phahello lekgotla la taolo le atisa ho fa motho eo boikarabelo ba ho bokelletsa matlole. Pokelletso ya matlole ha se mosebetsi o ka kgonwang ke setho feela sa lekgotla la taolo! Ebang lekgotla la taolo le ipolokela boikarabelo ba pokelletso ya matlole kapa le bo fetisetsa ho e mong wa basebetsi, pokelletso ya matlole ha e atise ho bonwa e le mosebetsi o rerilweng, o batlang nako, bokgoni le mehlodi ya ona feela. Ho ba hobe ho feta ha mokgatlo o ntse o laolwa ke ditakatso tsa mofani e moholo wa ona. O dula o itshetlehile ho ba ka ntle mme ka nako tse ding o kgeloha tseleng ya maikemisetso a ona.
Ntle le mehodi e lekaneng mokgatlo oo e seng wa phahello o ke ke wa phethahatsa maikemisetso a ona, mme ke boikarabelo ba boetapele ba ona ho bona hore mehlodi eo e teng. Sena se bolela hore ho lokela ho tsepamiswa maikutlo haholo ho theheng motheo o tsitsitseng mme wa ka nako tsohle, wa phumantsho ya ditjhelete. Ha sena se se se hlokometswe, pokelletso ya ditjhelete (kappa ho batlana le mehlodi) e ba karolo e tsebahalang ya ditekanyetso tsa ditshenyehelo tsa mokgatlo oo e seng phahello.
Maikemisetso: Ha mokgatlo o sa tsebe hore o phelelang ha o hloke ho tshehetswa. Polelo ya maikemisetso ya Mokgatlo oo e seng wa phahello e lokela ho fupara lebaka la ona la ho ba teng. Bafani ba ke ke ba fana ka ditjhelete mekgatlong e sa tsebeng hore hobaneng e etsa seo e se etsang?
Moralo wa bokamoso ba mokgatlo: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello ha e na moralo o ngotsweng fatshe. E fefoha feela e sa tsebe moo e yang. Bobe bo fetisisang ke hore e sebetsa , kapa hona ho tsamaisa diprojeke, feela ha e na le tjhelete. Ha ho mofani ya tla tshehetsa mokgatlo ha o sa tsebe moo o yang kapa o sa tsebe sephetho seo o se lebelletseng.
Kgokahano e sebetsang ya ka hare le ka ntle: Mokgatlo oo e seng wa phahello e phela tikolohong e dulang e fetoha, ka hare le ka ntle. Ha tsena di sa hlahlojwe kgafetsa, ha ho ya tla tseba mohato o lokelang ho nkuwa. Ebang baithaopi le basebetsi ba sa sebetse mmoho ho rala ditsela tsa ho rarolla bothata, le ho sebedisa menyetla, ha ho na ho ba le boitelo ba ho etsa mosebetsi. Ha mokgatlo o sa iphumanele hore o ka hlahisa ditshebeletso tsa ona jwang setjhabeng le ditlhoko tsa ona tsa thuso ya ditjhelete ho batshehetsi, haufinyana o tla kwalwa.
Ho tsetela kgolong ya ona: Mokgatlo o hloka mefuta e meraro ya motheo ya bokgoni: Bokgoni ba ho shebana le bothata kapa ditaba tseo o thehilweng ka baka la tsona.; bokgoni ba ho fumana mehlodi e hlokahalang ho itjara le ho jara diprojeke tsa ona; le bokgoni ba ho tsamaisa tshebetso le mehlodi. Sena se bolela hore ho lokela ho dulwa ho ntse ho tsetelwa tlhabollong ya bokgoni bona ka lekgotla la ona la taolo, basebetsi le baithaopi. O lokela hape ho hlokomela hore ho bokelletsa ditjhetele ho ja tjhelete, mme ka hoo ho lekanyetswe tshenyehelo eo.
Ho bopa dikamano le setjhaba le batshehetsi: Bohare ba ho nnetefaletsa mokgatlo bokamoso bo atlehileng ke ho bopa dikamano le baamani ba bohlokwa. Bana ke batho ba hlokang ditshebeletso le ba fanang ka ditjhelete. Molao wa bohlokwa wa motheo pokelletsong ya matlole ke hore, ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o hloka tjhelete o lokela ho kgona ho atamela metswalle ya ona pele. Ho bopa motheo wa Metswalle ya ka mehla ho hloka hore baithaopi bohle le basebetsi ba iphe nako?
Ho sebeletsa bafani le ho boloka tshehetso ya bona: Pokelletso ya ditjhelete e ke ke ya fumaneha ka moso ebang Mokgatlo oo e seng wa phahello o sebedisa mokgwa wa ho phamola tjheke, o itahla. Ho itshwarella ka metswalle le batshehetsi ho bolela ho dula o ba tsebisa, le ho ba fetola balekane ba tshepahalang lenaneong la lona. Ho nka nako ho hodisa le ho boloka dikamano tsena, ka tsamaiso e lokileng le ho kopana ka seqo le ba fetohang batshehetsi ba bohlokwa ba Mokgatlo oo e seng wa phahello?
Lefapha la ntshetsopele ya setjhaba le hlophisitse melawana ena ya pokelletso ya ditjhelete ho ya ka tse hlokwang ke Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997, puisanong le ba amehang karolomoruong ya pokelletso ya ditjhelete. Melawana ena ke ditholwana tsa ponelopele e kopanetsweng ya se etsang tsamaiso e ntle ho batleng tshehetso mehloding e fapaneng. Ka ho ikamahanya le tataiso ena ba sebetsanang le ho bokelletsa ditjhelete bakeng sa Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa ba tla etsa bonnete ba ho fetola mosebetsi ona ho ba wa profeshenale, mme ka hoo ba tlise tshepo karolomoruong ya Mekgatlo eo e seng ya phahello.
Mekgatlo eo e seng ya phahello e iphumana e le dinakong tse boima mabapi le phumantsho ya ditjhelete. Boholo bo tswa nakong eo maemo le boitshwaro di neng di laolwa ke dintho tse pedi tse sa qobeheng: Ditlhoko tsa ditjhabana tseo Mokgatlo ka mong oo e seng wa phahello e shebaneng le tsona; le maikemisetso a pepenene kapa ao ka nako tse ding a patehileng a bafani. Boemo bona ha bo a ka ba fana ka sebaka se setle sa puisano tsa boitshwaro le boitlhompho. Mekgatlo eo e seng ya phahello e ne e kgannwa haholo ke ho tata. Empa ho na le matshwao a seabo se hlahang sa ho nka bohato pele se kgannwang ke demokrasi sa Mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa. Ha eba Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ba bahlokomedi ba tswelopele e kgannwang ke stjhaba; e le baemedi ba nkang bohato pele ho ena le ho kgannelwa bohatong; e laolwa ke maikemisetso a yona ho ena le ditakatso tsa mehlodi ya ditjhelete; ha ho le jwalo Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho itseba, ho tseba moo e yang, le hore e lokela ho itshwara jwang kgabarebareng.
Ho na le tlwaelo e akaretsang sethabeng ya ho dumela hore ba sebetsanang le mekgatlo eo e seng ya phahello e thehetsweng ho sebetsana le setjhaba ba lokela ho beha mohlala wa boitshwaro. Ho lebellwa hore karolomoruo ya Mekgatlo eo e seng ya phahello e hloke sekodi. Babokelletsi ba matlole ha ba itekola ba ka iphumana ba botsa dipotso tse thata jwalo ka : Profeshene ya rona e phelelang kapa babokelletsi ba matlole ba phehisa jwang molemong wa bohle kapa Babokelletsi ba matlole ba itshwarella ka maemo afe a tshwanangkapa Ho itjheba bowena ho tshwaetsa babokelli ba matlole le mekgatlo ya bona jwang kapa Ke dintho dife tse ka kgothatsang babokelli ba matlole?
Ho nkela pokelletso ya matlole hloohong ho etsa hore karolomoruo ya Mekgatlo eo e seng ya phahello e ipotse hore mosebetsi oo ke profeshene kapa tjhe. Le ha pokelletso ya matlole e sa nkwe ka molao e le profeshene e se e kgathile tema ho ya boprofeshenaleng. Dilemong tse tswa feta setjhaba se se se ile sa tlwaela ho bitsa motho kapa sehlopha se lefelwang ho bokelletsa matlole Babokelletsi ba matlole ba profeshenale. Ho fihlela boemo ba profeshenele ho hloka boemo bo itseng ba taolo ya moya le boitshwaro ba fetang ho mpa o etsa mosebetsi ka bokgoni. Maemo le metheo e sebediswang mosebetsing wa pokelletso ya matlole a bontsha le ho tiisa sepheo le tsela ya ho etsa dintho ya mokgatlo ofe kapa ofe oo e seng wa phahello. Ka mantswe a mang tsela eo mokgatlo oo e seng wa phahello o sebetsang le ho bokelletsa matlole e bontsha seo o leng sona, mme e ka ba ya supa le boleng ba mokgatlo oo?
Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e ipokellela matlole ka boyona mme mosebetsi oo hangata o jarwa ke Mohlanka e moholo wa phethahatso. Ka nako tse ding Mohlanka e moholo wa phethahatso o thusana le komiti ya pokelletso ya matlole e kgethilweng ke lekgotla la taolo. Mekgatlo eo e seng ya phahello e holang kapa e meholwanyane e hira basebetsi ba ka mehla kapa ba nako tse itseng kapa lefapha la batho ho jara boikarabelo ba letsatsi le letsatsi ba ho bokelletsa ditjhelete. Ho na le batho kapa mekgatlo e fanang ka ditshebeletso tsa yona ho mekgatlo eo e seng ya phahello e le babokelletsi ba matlole ba profeshenele mme ba bokelletsa ditjhelete lebitsong la mokgatlo oo e seng wa phahello ka tumellano ya khomishene kappa ya tshallo kappa bobedi. Baeletsi le bona ba a fumaneha Afrika Borwa. Ha ba bokelletse ditjhelete, empa ba thusa ho bopa bokgoni ba mokgatlo ba ho batla ditjhelete ka ho fana ka dikeletso, thupelo le ho tataisa basebetsi mokgatlong oo e seng wa phahello le dikomiting tsa ona?
Ditjhabeng tsa botjhaba bo fapaneng ditlwaelo le meetlo ya sehlopha se itseng ha se ka mehla e amohelwang ke se seng; mme sena se bonahala le mekgatlong e sebeletsang ba moetlo o itseng empa e bokelletsa matlole ho ba moetlo o mong. Ho tseba ka bobatsi tikoloho eo ho bokelletswang matlole ho yona bakeng sa lebaka le itseng le ikgethang ke hwa bohlokwa ho babokelletsi ba matlole hore ba be le tjhadimo e lekalekaneng, mme e tswetseng pele ya mosebetsi wa bona. Mosebetsi wa ho bokelletsa matlole, ha o ntse o fetoha wa profeshenale ho feta, o a pepeseha, o a totobala, o ba le boikarabelo ho ba fanang ka tjhelete le mehlodi e meng ya bona.
Mokgatlo ka mong oo e seng wa phahello, hore o tle o phele halelele, o lokela ho ipehela maemo a ho etsa kgwebo ya ona. Ha feela mesebetsi ya ona e sa amohelehe ho ba ka kgonang ho fana mokgatlo oo o tla potlaka ho fellwa ke mehlodi. Sena hangata se latela takatso ya mokgatlo le boetapele ba ona, ho kenyelletswa le babokelletsi ba matlole, ya ho qala ka ho hlompha tlhophiso ya ka hare ya botsamaisi ya ho hlopholla, ho rera, ho phethahatsa, ho laola, ho disa, le ho hlahloba. Ho amohela pokelletso ya ditjhelete e le mosebetsi wa botsamaisi ho tla bontsha boemo ba boitaolo ba ka hare bo leng teng ka hara mokgatlo.
Phuputsong e akaretsang setjhaba sa Amerika ka 1989 ke feela diperesente tse 37 tse reng babokelletsi ba matlole ba a tshepahala. Maikutlo a setjhaba sa Afrika Borwa ha a eso tsejwe, empa ke babokelletsi ba seng bakae ba ka hananang le tlhokahalo ya ho beha maemo a mokgatlo le a boprofeshenale a thehilweng hodima metheo ya botho e tlwaelehileng e ngotsweng Temaneng ya A maqepheng a le ?
Maemo le metheo ya boitshwaro e laolang tsamaiso ya pokelletso ya ditjhelete di na le seabo sa bohlokwa se ikgethileng ho ya ka phehiso ya Mekgatlo eo e seng ya phahello molemong wa bohle.
Ho ya ka maemo a hlalositsweng ka hodimo boitshwaro ba profeshenale ba mmokeleltsi wa matlole ya sebetsang ka hara Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole ya ka ntle ya sebeletsang Mokgatlo oo e seng wa phahello e lokela ho ba bo jwang Hopola hore motho ya bokelletsa matlole e ka nna ya eba setho sa lekgotla la taolo, kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso, kapa mosebetsi, kapa moithaopi, kapa motho ya tswang ka ntle?
Ho ba motho ya phutholohileng, mme ya ponelopele.
Ho na le tlhokahalo ya ho bopa melao ya motheo ya boitshwaro.
Ho kgothalletsa le ho tshehetsa ka ho phethahala Thuto le thupelo ya boemo bo phahameng ka moo ho kgonahalang ho ba ikarabellang pokelletsong ya ditjhelete mme a etse sohle ho ntlafatsa maemo a botsebi le tshebetso ka hara profeshene ena.
tumellano ya ho bokelletsa ditjhelete ka tiisetso ya tefo ka mokgwa ofe kappa ofe bakeng sa ho se fihlele merero e boletsweng ya ditjhelete; kapa ho kenyelletsa ditjeho tse patehileng tse tla lefshwa ke mokgatlo kapa moemedi ya amohelang tshebeletso ya pokelletso ya matlole.
A lepe pokelletso ya matlole ho ya ka bolekodi ba profeshenale ba maemo le ka moo a amanang le tsa bohlokwa mabapi le sephetho seo.
Baetapele ba makgotla a taolo a Mekgatlo eo e seng ya phahello ba ye ba lakatse ho beha pokelletso ya ditjhelete matsohong a ba ipitsang babokelletsi ba profeshenale. Sena hangata se bolela hore motho ya itseng o tla batla karolwana ya tjhelete eo ba e bokelleditseng (jwalo ka 15%) le/kapa tshallo. Mohopolo wa hore mokgatlo o lefe feela ha tjhelete e bokelleditswe o bonahala e le mohopolo o motle. Ka lehlakoreng le leng mmokelletsi wa matlole a ka batla ho lefshwa tshallo e tsepameng ya kgwedi le kgwedi?
Kajeno bafani ba batla ho tseba hore thjhelete ya bona e sebedisetswa ho thibela tlhokahalo eo ba e arabetseng. Ha karolwana ya mpho ya bona e nkwa ke motladipakeng (mmokelletsi wa matlole ya lefshwang khomishene) ba na le tokelo yohle ya ho belaella maikemisetso a hae.
Bafani ba tla batla ho tseba hore ke karolo e kae ya tjhelete tseo ba di fang motladipakeng tse qetellang di finyelletse mokgatlong oo a o emetseng, le ha tjhelete e filwe mokgatlo kaofela.
Ho nnetefatsa ho fumana dimpho bafaning ba baholo ke mosebetsi wa nako e telele. Sena ha se dumellane le mmokelletsi ya lefshwang khomoshene, ya batlang hore ho fihlwe tumellanong ka pele ka moo ho kgonahalang e le hore a fumane se mo lokelang kgwedi le kgwedi.
Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela hore e be e kgodisehile jwale hore pokelletso ya ditjhelete e sebetsang e rarahane haholo bakeng sa tharollo tse bonolo jwalo ka ho lefa khomishene. Dimpho tse ding ho nka dilemo ho di buella le ho di fumana.
Ho latedisa kuno e akgang khomishene ka hare ho hloka tsamaiso e phethahetseng. Ha ho ena le dipokelletso tsa matlole le mesebetsi ya kgokahano le setjhaba e mengata e etsahalang ka nako e le nngwe, Mokgatlo oo e seng wa phahello o tla kgona jwang ho arola dimpho tse tlileng ka baka la morekisi le tse sa tlang ka yena O ka kgona jwang ho lekanya tshusumetso ya mmokelletsi ya lefshwang khomishene maemong aa ka bonngwe?
Ha se ka mehla bafani ba baholo ba nang le tjhelete, empa ba ka tshepisa ho fana ka nako tse itseng, ka diqonwana tse latelanang kapa ka tefo e le nngwe ka nako e itseng e tlang. Ho etsahalang ha tshepiso e sa phethahale Naa mokgatlo oo e seng wa phahello o tla nne o lefe khomishene kapa o tla tseka hore e kgutle?
Diboto tsa baithaopi di ka tenwa ke ha di entse mosebetsi o mongata wa ho tsosa moya wa ba ka fanang mme mmokelletsi ya lefshwang khomishene yena a lefellwa ho qetela ditaba?
Basebetsi bohle ba Mokgatlo oo e seng wa phahello ba ikutlwa jwang ha motho a le mong a lefshwa ho ya ka bohlahisi ba bona Ke ka lebaka lang mmokelletsi eo wa ditjhelete a qohollwang ho tshwarwa hantle?
Ha ho mohla ho ka bang le tiiso ya hore ya tobilweng o tla dumela, ka hoo bonnete ba hore o tla dumela hakae ha bo yo. Ha ho ba thata mmokelletsi ya lefshwang khomishene a ka nna a batla tsela ya ho ikgula.
Lebitsong la ho hapa kuno mmokelletsi wa ditjhelete a ka lakatsa ho kgutsufatsa dipuisano e le ho iphumanela e boemo ba mpho bo sa le tlaase le ha mofani a ntse a ena le bokgoni bo fetang?
Babokelletsi ba lefshwang khomishene ba ka wela molekong wa ho bua ka Mokgatlo oo e seng wa phahello oo ba o emetseng ka tsela a tla ba ratisa bafani. Ena ke yona kotsi ya sebele ha mmokelletsi wa ditjhelete a sa hirwa ke mokgatlo. Ba reng ka Mokgatlo oo e seng wa phahello See se ama seriti seo Mokgatlo oo e seng wa phahello o ikahetseng sona jwang Naa see se tla tiisa kamano ya nako e telele pakeng tsa Mokgatlo oo e seng wa phahello le mofani ona mokokotlo wa phumano ya ditjhelete ya ka nako tsohle le e tshepahalang?
Bafani ba batla ho ba le kamano le ba sebedisang tjhelete ya bona. Bongata ba bafani ba ditjhelete ha ba a ikemisetsa ho bua le mmokelletsi wa matlole ya ka thoko. Morao tjena bafani ba bang ba baholo ba hlalosa sena tataisong ya bona ya phano ya ditjhelete.
Tumellano e toboketsang dintlha e lokela ho saenwa ke Mokgatlo oo e seng wa phahello le mmokelletsi wa matlolwe kapa mokgatlo o bokelletsang matlole. Tumellano ena e lokela ho hlaka: Ho qaqisa boikarabelo ba mahlakore ka bobedi; e behe kuno e lokelang ho fihlelwa; e hlalose ditshenyehelo tsa tsamaiso kapa maeto le hore di tla laolwa jwang; e kenyelletse le kgonahalo ya ho hlahloba tswelopele; e hlalose hore ke mang ya ruang kamano le bafani nakong ya tumellano le hoba e fete; e fane ka monyetla ho Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole ho fedisa tumellano ka ho fana ka tlhokomediso ya matsatsi a 30?
Pokelletso ya ditjhelete e akgang khomishene e sebetsa hantle ka nako e kgutshwanyane jwalo ka ha ho hlophiswa mokete wa ho bokelletsa matlole kapa tlhodisano. Mmokelletsi wa matlole o amohela peresente tse itseng tsa kuno e ntshitseng ditjeho tsohle. Ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o rera ho saena tumellano le mmokelletsi wa matlole ya ka thoko ke bohlale ka mehla ho fumana maikutlo a bao a ba sebeleditseng pele.
Buka e hlalosang mantswe e hlalosa moeletsi e le motho ya fanang ka keletso ya profeshenale kapa ya tekeniki, jwalo ka ngaka, ramolao, moenjiniri, mohlophisi, jj Moeletsi wa pokelletso ya matlole o sebetsa le basebetsi ba ka sehloohong mmoho le ditho tsa lekgotla la taolo ho tsamaisa ditaba tsa pokelletso ya matlole le ditaba tsa mokgatlo tse amanang le yona. Mekgwa le ditshebeletso di fapana ho ya ka baeletsi le ho ya ka maemo a ditaba?
Moeletsi a ka ho bonwa e le motswalle e moholo kapa sera sa mokgatlo empa a nne a thuse mokgatlo ho fihlela diphetoho tse hlokwang. Motho enwa a ka bonahala mokgatlong ka dinako tse itseng feela kappa a hla a dula teng. Taba ya bohlokwa ke hore ho lokela ho ba le kutlwano e matla ya tshehetsano pakeng tsa mosebelletswa le moeletsi. Moeletsi o lokela ho kgona ho phethahatsa ditlhoko tsa mokgatlo mme a be le boitsebelo bo lekaneng ho thusa mokgatlo ho sebetsana le mathata a ona.
Lekgotla la taolo la mokgatlo oo e seng wa phahello le basebetsi ba lokela ho tshepa moeletsi wa bona mme ba se ke ba sebetsa ka ho hanana le matsapa ao ho dumellanweng ka ona.
Matsholo a maholo a ikgethang: Lena ke letsholo la ho bokelletsa matlole a mangata bafaning ba mmalwa ka nako e behilweng. Moeletsi a ka ba le seabo sa ho laola letsholo lena. O tla kgothalletsa diphuputso tsa kgonahalo ho ithuta maikutlo a ya ka fanang mabapi le letsholo leo pele mokgatlo o itahlela ka setotswana ho lona. Moeletsi o ikopanya le baetapele ba setjhaba le ba ka fanang, mme o etsa tlaleho le dikgothaletso. Moeletsi o tla be a kwetlise le bakopi.
Matsholo a tshehetso ya tshebetso le a selemo le selemo: Mekgatlo e hloka ho ba le tjhelete e dulang e kena ho lefella ditshenyehelo tsa tshebetso tsa kgwedi le kgwedi. Mokgwa wa bohlokwa ka ho fetisisa o sebediswang ke wa mangolo, ebang e le boipiletso ho bafani kapa ho eketsa le ho hopotsa ditho le ba ingodisitseng. Baeletsi ba ka thusa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho hlophisa mokgwa-tsamaiso wa bofani le pokelletso ya ditjhelete e tlisang kuno ena e hlokahalang ya ka mehla. Kopano ena e ka boela ya kenyelletsa mananeo a botho, a boitlamo ba bafani, diketsahalo tse ikgethang, thekiso ya ditshebeletso le dipapadi tsa ho iteka lehlohonolo.
Ho tlwaetsa le ho rupela basebetsi ba baithaopi: Ho a hlokahala hore baeletsi ba fetisetse tsebo ya bona le bokgoni mekgatlong eo ba e sebeletsang hore e tle e ikgapele bokgoni bo tla etsa hore e ikemele. Baeletsi ba ka fana ka thupelo e hlophisitsweng diwekeshopong le diseminareng le tataiso mosebetsing ha ba ntse ba thusa basebetsi le baithaopi ho Kenya tshebetsong matsapa a pokelletso ya ditjhelete.
Ditshebeletso tse ding tsa tshehetso: Mekgatlo eo e seng ya phahello e na le tokelo ya ho ngongorehiswa ke hore na mananeo a yona a pokelletso ya ditjhelete a a sebetsa na. Diboto di ka kgathatseha mabapi le boetapele ba tsona, matla a basebetsi, dikamano le setjhaba le dikarolwana tse ding tse ngata tsa lenaneo la pokelletso ya ditjhelete. Moeletsi a ka bitswa ho tla hlakisa boemo ba bona ba pokelletso ya matlole, le ho kgothalletsa mehato e hlokahalang bakeng sa ho kena tshebetsong ya pokelletso ya ditjhelete e sebetsang. Ka hoo ba ka bitswa ho tla thusa ka ho rera botjha mokgatlo le matsapa a pokelletso ya ditjhelete.
Dimpho: Ena e dutse e le karolo ya pokelletso ya matlole e sa hlokomelweng ka ho fetisisa, mme ke yona e ditjeho di tlase ka ho fetisisa. Kuno e tswang dimphong tsa bafani ba baholo, diwili, dipholisi tsa inshorense le matsete a mang di ka fana ka kuno e dulang e kena bakeng sa ditshenyehelo tsa tshebetso dilemong tse latelang. Baeletsi ba tla thusa ka ho kenya tshebetsong leano la dimpho le ho kwetlisa basebetsi le baithaopi ho le sebedisa.
Ithute ditlhoko tsa mokgatlo wa heno: Mokgatlo o hlokang, mme o ka kgona ho lefa bokae Mohato wa pele wa ho bitsa moeletsi ke wa ka hare. Baeletsi ba etsa mesebetsi e mengata, empa mokgatlo a lokela ho hoopla hore boiteko bofe kapa bofe ba ho bokelletsa tjhelete ke phutholoho ya diketsahalo ya nako e telele, mme ho lefa moeletsi ho tla ba le tshwaetso lenaneong la pokelletso ya matlole nako e telele le ka mora ho fela ha tumellano. Mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho tseba hantle seo moeletsi a lokelang ho se etsetsa mokgatlo le hore tshebeletso eo e ka lefellwa bokae?
Etsa lenane la baeletsi: Bua le mekgatlo e meng eo e seng ya phahello ka tseo ba kopaneng le tsona. Ba kgothalletsa ditshebeletso tsa mang?
Ngola ditlhoko tsa mokgatlo: Kopa hore moeletsi ka mong ho bao le tla kgetha ho bona a arabe ka lengolo. E ka ba karabo feela kapa boikopelo bo hlophisitsweng, mme o lokela ho kenyelletsa le kakanyo ya ditefello. Lesedi lena le tla thusa Mokgatlo oo e seng wa phahello ho etsa qeto ya hore ke ditshebeletso dife tse nyalanang le ditlhoko tseo ba di qohollotseng. Lesedi le fetang moo le ka bokelletswa ka mohala ho fihlela mokgatlo o kgotsofetse hore o na le tse lekaneng ho rerela qeto ya makgaolakgang.
Ikopanye le ba nang le thahasello: Etsa bonnete ba hore modulasetulo wa lekgotla la taolo kappa Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Modulasetulo wa komiti e bokelletsang ditjhelete kapa bona ka boraro ba teng kopanong tseo. Faa moeletsi ka mong nako e lekaneng ya ho itlhahisa ka ho phethahala le ho araba dipotso. Ho ka ba molemo ho hlophisa dipotso pele e le hore sehlopha sa mokgatlo se fumane seo se se hlokang kopanong ka nngwe?
Batlisisisa dipaki: Komiti e lokela ho etsa qeto ka mora dikopano, mme ho hlokahala hore ho batlisiswe dipaki tseo moikopedi ka mong a faneng ka tsona. Kgetha palo e itseng ya basebelletswa ba jwale le ba fetileng. O ka hloka ho tseba hore ke mosebeletsi ofe wa moeletsi eo o tla sebetsa le yena, mme o kopane le yena. Ke sa bohlokwa hore moeletsi a be a se a kile a bokelletsa matlole ka katleho, mme a ena le tsebo e ikgethang pokelletsong ya ditjhelete.
Kgetha moeletsi: Se busetseng ho nkwa ha qeto morao. Etsang qeto kopano le lesedi leo le le fumaneng le sa le letjha ho lona. Ebang qeto e le ho ema nakwana, ho lokile, ha feela qeto e entswe. Ho sitwa ho tswela boemong bona ho supa ho hloka boikitlaetso ha ditho tsa bohlokwa tsa lekgotla la taolo le basebetsi bakeng sa se rerilweng pejana. Ha ho mosebetsi wa maoeletsi o tla hlakola ho hloka boikitlaetso ha boetapele. Ebang ho etswa qeto ya ho hira ikopanyeng le moeletsi ya kgethilweng hang.
Ipuelleng hore le fumane kontraka e tsitsitseng: Kontraka e tlamang ka molao ke motheo wa kamano pakeng tsa Mokgatlo oo e seng wa phahello le moeletsi. Sebetsang mmoho le moeletsi ho etsa tokomane e bontshang kamano eo le ikopelang yona. Ha ho eso ka ho etswa kontraka ya boemedi e reretsweng ho sebediswa ke bohle Afrika Borwa. Moeletsi ka mong o itshebeletsa ho ya ka moo a bonang?
Ho a utlwahala hore boeletsi ke ntho e sa leng ntjha haholo karolomoruong ya Mekgatlo eo e seng ya phahello.
Ho tlwaelehile hore baeletsi ba fane ka hora kapa tse pedi tsa pele ntle le tefiso (pro bono). Kopanong ena ya pele Mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho hlalosa ditlhoko tsa ona mme moeletsi o bontsha mehato e ka nkuwang ho phethahatsa ditlhoko tseo. Le ha ho le jwalo, baemedi ba bang ba Mekgatlo eo e seng ya phahello ba atisa ho sebedisa monyetla ona wa kopano ya pele mme ba leke ho nyanya dikeletso tsa moeletsi Ha ke re ke mahala?
Mekgatlo eo e e seng ya phahello e hopola ka phoso hore baeletsi ba tla ba bokellela matlole mmoho le ya khomishene. Phoso ena e bakwa ke ho hloka kutlwisiso le ke mesebetsi ya bahwebi ba tsamayang ba ipitsa babokelletsi ba matlole ba profeshenale?
Ke tlwaelo hore moeletsi a fane ka boikopelo kapa khotheishene e qaqileng ho Mokgatlo oo e seng wa phahello. Tokomaneng ena, eo hangata e leng telele, meedi ya tumellano e a hlaloswa, ho fanwa ka tlhaloso ya boeletsi bo lohothwang mohato ka mohato, mmoho le tlhaloso e qaqileng ya ditjeho. Moeletsi o lebelletse hore boikopelo bo arabelwe, le ha e ka ba tjhe, re a leboha. Empa se atisang ho etsahalla baeletsi ke hore robong leshomeng le leng le le leng la Mekgatlo eo e seng ya phahello ha e ikgathatse ho bolela hore e amohetse boikopelo, re se re sa bue ka ho fana ka qeto ya bona?
Le leng la mabaka a tswalang se sa tswa bolelwa ke hobane hangata lekgotla la taolo la Mokgatlo oo e seng wa phahello ha le a ka la ba le seabo dipuisanong tse lebisang qetong ya ho hira moeletsi. Qeto ena a nkilwe ka boinahanelo ba Mohlanka e moholo wa phethahatso. Ka hoo ha boikopelo bo kena lekgotla la taolo le iphapanya bona. Sena hape se supa hore pokelletso ya matlole e dula e le mosebetsi o bodutu Mekgatlong e mengata eo e seng ya phahello, bakeng sa ho ba le leng la maballo a bohlokwa ao lekgotla la taolo le itshetlehileng ka ona. Ka hoo ho hirwa ha moeletsi ho eketsa ho hlora ha basebetsi. Dikgothalletso tse ntjha ha di finyelle lekgotleng la taolo, re se re sa bue ka ho di tjhaella monwana.
Ho bonahala eka boholo ba Mekgatlo eo e seng ya phahello ha bo etse ditekanyetso tsa tjhelete e tla sebediswa ditjehong tsa pokelletso ya matlole. Sena se eketsa ho hloreng ha basebetsi le moeletsi, ba lebelletsweng ho etsa mehlolo ntle le mehlodi.
Baeletsi ba atisa ho bitsetswa ho tla thusa ka ditaba tsa pokelletso ya ditjhelete, empa e le hore boholo ba nako mathata a phumantsho ya ditjhelete ke a ka hare, a qalang ka puso le tsamaiso. Bothata e se hore ha ho tjhelete e tswang bafaning, e mpa e le hore Mokgatlo oo e seng wa phahello ha o a hlophiseha hantle ho ka kopa tjhelete le ho e hlokomela.
Mokgatlo o batla pheko ya ka pele, mme yona ha e yo.
Baeletsi ba bitswa ke mekgatlo ha e se e le mathateng a maholo.
Hangata mathata a bonwang e le ditaba tsa pokelletso ya ditjhelete ke ditaba tsa tsamaiso le puso kapa mokgatlo o lahlehetswe ke tsela.
Mekgatlo ha e utlwisise taba ya khomishene hantle.
Mekgatlo e labella hore moeletsi e be mmokelledi wa bona wa ditjhelete.
Lekgotla la taolo le a tseba hore ho na le mathata a phumano ya ditjhelete empa ha ba rate ho ba karolo ya tharollo.
Ho itshetlehilwe haholo ka motheo o patisaneng wa phumano ya ditjhelete dikgwebo tse kgolo, difaondeishene le bafani?
Mekgatlo ha e hlokomele hore pokelletso ya ditjhelete ke mosebetsi wa nako tsohle, mme sena se etsa hore tshebediso ya dikgothalletso tsa moeletsi e be boima.
Re phela ka seo re se fumanang, empa re phedisa ka seo re fanang ka sona (Winston Churchill)?
Polelo ena e otla botsekeng seo karolomoruo ya mekgatlo eo e seng ya phahello e leng sona le maikutlo a ho phethahatsa thomo e bonahalang ho Maafrika Borwa a ka bang dimilione di tharo a sebetsang ho yona e le basebetsi kapa baithaopi. Mosebetsi ona o kganahatswa ke boitelo le ho fana ka pelo tsohle ha motho ka mong le mekgatlo e bitswang bafani. Moya ona wa ho kgathalla le ho itshwenya ka batho ba bang o fuperwe ke lentswe, bopelokutlwelo, le utlwisiswang e le ho fana ka boithaopo molemong wa bohle?
Lentswe bopelokutlwelo (philanthropy) le hlahelletseng puong ya Senyesemane lemokgolong sa bo17 le etswa Sekgerikeng (Philanthropia Lerato ho batho) le se le ile la sebediswa ho hlalosa mekgwatshebetso ya motheo wa boitshwaro le bodumedi, mekga e fapaneng ya mehopolo le maemo a fapaneng a setjhaba. Le ile le amanngwa le thekolohelo, moya ya botjhaba, botho, taolo ya setjhaba le tshebeletso ya setjhaba. Ha ho a fuputswa kapa hona ho ngola hahollo ka nalane, tsa kajeno le bokamoso ba bopelokutlwelo. Ha ho letho le fupuditsweng kapa le ngotsweng ka ho fana ho ya ka boafrika. Empa ke ntho e matlahadi e amang boleng ba bophelo le tse kgothalletswang ke batho. Dilemo tse fetang 6 000 bopelokutlwelo bo ile ba tshehetsa ka ditjhelete dintweng, ba aha ditempele, ba aha diyunivesithi, ba theha mekgatlo, ba boloka botjhaba, ba ba ba fetola tsela ya histori ya lefatshe?
Machaena a rutilwe hore tlhokomelo ya ba bang ke botho ba motho ka mong. Ha re sheba morao historing ya Majuta, re fumana hore ketso ya ho fana (Esaya 58:7) le ho nehelana ka karolo ya leshome (Deuternoma 14:22) e ne e le karolo ya bophelo kamanong le batho ba bang. Bojuta bo ile ba tshwaetsa mehopolo ya sethathong ya sekreste le tshebetso ya bopelokutlwelo. Moaposetola Pauluse o ile a hlabolla mohopollo wa Baheberu wa bohlokomedi, moo ho utlwisiswang hore morui ha se monnga leruo, empa e le feela mohlokomedi wa leruo le matsohong a hae (Genese 1:26), mme o lokela ke hona ho le sebedisa ho ya ka taelo ya Modimo (2Bakorinthe 8:9). Boikgathatso ba bakreste ba pele ka ba hlokang, ka karolelano ya leruo, le ka ho bopa maikutlo a bonngwe ho ba kgemang mmoho tumelong, di ne di nkuwa e le pontsho ya lerato la Bokreste.
Bopelokutlwelo bo ka boela ba bonwa morao mehleng ya dingolwa tsa Maegepeta tse neng di bua ka ho fana e le ho thabisa batho ba bang le ho ba nolofaletsa bophelo. Kutlwisiso ya Makgerike le Maroma ya bopelokutlwelo e fapana le ya Maekgepeta ka ha e lebisitswe diketsong tse lokileng tse etswang bathong, e se feela mafutsana le bahloki. Leano la bona le ba tataisang le ruta mopolo wa boikarabelo ba setjhaba ka mokgwa wa diprojeke tse thusang le ka dimpho. Yuropo bophirimela kereke e ile ya fumana mosebetsi o mongata wa ho theha tumelo ya lerato ho batho ba bang ka ho kgothalletsa le ho tshehetsa dimphong tsa mekgatlo ya thekolohelo jwalo ka dipetlele, dikholetjhe, le ditulo tsa baitlami tse nang le mesebetsi e hlalositsweng hantle e le ya ho hlokomela mafutsana. Mafatsheng a bokatoliki kereke e ile ya nna ya tswela pele ka mosebetsi wa thekolohelo le wa thuto ka taolo e seng kae ya mmuso?
Mohopolo wa ho ipopela boithaopo thekolohelong o hlahile ka maemo a matjha a setjhaba le moruo a amanngwang le ho namela mafatsheng a mose ho mawatle le diphetoho tsa indasteri le tlhokahalo ya lebotho la basebetsi le theko e bobebe empa le tshepahala.
Mehopolo ya morao tjena ya bopelokutlwelo e ile ya hasanngwa ka lefatshe lohle ha mekgatlo ya bodumedi e ema ka maoto ho sokollela bokresteng le ho hlabolla baahi ba ditjhaba tse mose ho mawatle, le ho tshehetsa mebuso e holang ya bokoloniale, jwalo ka ha ho etsahetse Afrika e ka borwa. Karolwaneng ya ho qetela ya lemokgolo sa bo19 le dilemong tse qalang lemokgolo sa bo20 re bone sehlohlolo sa tse fihletsweng ke bopelokutlwelo. Ho fana ho hoholo, nakong ya ho phela ha bafani le ditaelo maruong a bafu (maruo a salang ha motho a eshwa), a ile a tswela pele ho lebiswa mekgatlong ya thekolohelo le ya bodumedi. Ho ile ha tswelwa pele ho hatella tshebediso ya bopelokutlwelo ho thibela dikgahello tsamaisong ya setjhaba le bakeng sa ntlafatso e akaretsang ya boleng ba tlhaboloho?
Mekgatlo e mengata ya bodumedi e ruta balatedi ba yona ho hlokomela ba bang le ho rekolohelang. Ntle le Bojuta le Bokreste re fumana hore Buddha e ruta hore ho na le dintho tse nne tse fang motho thabo lefatsheng lena: E nngwe ya tsona ke: O lokela ho etsa ho ya ka thekolohelo, a fane ntle le dipehelo le ho lakatsa leruo. Hara dithuto tsa motheo wa boitshwaro tsa Islam, ho hatellwa: Ho hloka bonna e le mokgwa wa ho leboha Modimo. Mme o fepe ka dijo mohloki ya kgesehang, kgutsana le motshwaruwa, lebitsong la ho rata Allah feela. Ha re a lebella puseletso kapa teboho ho wena. Moetlong wa Mahindu ho hatellwa difeleng tsa Vedic nakong ya ho fa medimo dimpho e le karolo ya bohlokwa ya bodumedi ba bona. Sena se akaretsa le mohopolo wa ho atameleha ho bohle ba hlokang. Thekolohelo he ha se feela boipiletso kutlwelobohlokong e thehilweng hodima kutlwisiso ya ho utlwa bohloko ha batho kapa ho ba bana ba motho, empa e thehilwe hodima ho fadimehela tokelo ya ya fumantshwang thuso ho arolelana le ba bang lehlohonolong la mofani?
Tsela ee ya bopelokutlwelo e fetiseditswe Afrika hantle hakae Diperesente tse fetang 90 tsa mekgatlo eo e seng ya phahello ho phatlalla le Afrika e ka Borwa, Bohareng Botjhabela le Bophirimela ke tse amanang le kereke kapa boromuwa. Ho fihlela morao tjena ba ne ba ntse ba phela ka ditjhelete tse tswang ka ntle bakeng sa se ka etsang ditekanyetso tsa mananeo a bona tsohle. Mokenya e mong o kile a ngola jwana: Baromuwa ba ile ba atisa ho behwa molato wa ho se rute ho fana. Ke nnete hore baromuwa ba bang ba ile ba fana ka kutlwisiso ya hore mpho eo Modimo a e amohelang ke tjhelete feela, e se, ho teha mohlala, tjhai e tswang masimong jwalo ka dithollo, ditholwana le diphoofolo. Ka hona Maafrika a neng a se na tjhelete eo ba ne ba sa kgone ho ba le seabo ho faneng. Ka hanyane badumedi ba Maafrika ya nna ya eba bashebelli. Ka ho hloka tsebo, kapa hona ho fokotsa, mehlodi e leng teng dikerekeng tsa Afrika re tlodisa mahlo le ho nyahamisa menyetla ya kgolo le boikemelo?
Bopelokutlwelo ke ntho e tlwaelehileng botjhabeng ba Maafrika. Ho fapana le dinaheng tse tswetseng pele jwalo ka USA, Britain, le dinaha tse ding tsa Yuropo, Afrika, le ha e se kontinente e hlabolohileng hantle ke morui wa mokgwa wa bopelokutlwelo. Ho fana ke karolo ya botjhaba ba Maafrika. Botjhabeng ba Maafrika batho ba fumana kgotsofalo ha ba fuwa sebaka sa ho fana le ho arolelana le ba bang se senyenyane seo ba nang le sona. Mohopolo wa Ubuntu, Botho, le Wolanani Maafrika a tswalwa le lerato la batho mme e ba karolo ya bophelo ba bona?
Ditjhabeng tsa Maafrika batho ha ba phele ka ho itshehla thajana. Batho ba phela mmoho, e le ho thusana ka nako tsa mathata. Monna o phela le banna ba bang moo ho thweng ke kgotla. Matlo a bona a ahilwe a atamelane haholo, a arotswe ke moedinyana o fokolang wa lerako la mobu, lehlaka kapa se bitswang lekgwakgwa. Ka tsela ena kgokahano pakeng tsa malapa e bobebe mme sena se kgothalletsa ho arolelana. Banna ba kena ka matlung a bona feela ka nako ya ho robala. Banna ba tjhabana se le seng ba dula kgotla ho amohela baeti le ho lebela tsohle tsa bona. Ba ja mmoho le ho thusana ho tataisa bara ba bona?
Lelapa ka leng le na le lesaka, empa ka nako ya ho hama kapa ho hlokomela leruo naheng, bashanyana bohle ba tjhabana se le seng ba tsamaya mmoho le bao ho se nang diphoofolo malapeng a bona. Ba arolelana mosebetsi hammoho le lona lebese, dijo le tsohle tseo lelapa ka leng le nang le tsona. Bashemane bao malapa abo bona a futsanehileng ba tshwaelwa diphoofolo ha ba fihla dilemong tsa boholo hore ba iqalle masaka a bona?
Basadi ba sa kgoneng ho ba le masimo ao e leng a bona ba thusa ba lemmeng. Ka nako ya kotulo, ba fuwa karolowana e lekaneng selemo ho fepa ba malapa a bona. Seng se dula mmoho. Maqheku a hlokomelwa ke bana ba ona. Mohopolo wa Botho o ntshetswa pele hoo ngwana a fuwang motswalae ho mo nyala e le hore a tle a hlokomele mmangwanae eo mohlomong a futsanehileng kapa a kula, kapa mohlomong a hlokang bana ba banana. Ha mosadi a sa be le bana moenae o iswa ho ya mo etsetsa bana. Ka nako tse ding basadi ba nyallwa matlo. Sena se bolela hore lelapa le se nang bana ba bashanyana le ka nyala e le hore le kgone ho tswela pele; mme banna ba bang ba tjhabana seo ba tla hlokomela basadi bao. Ka tsela ena monna o dumelletswe ho nyala basadi ba bangata ka moo a ka kgonang e le hore ho se be le mosadi ya hlokang monna ya mo hlokomelang motseng oo. Sena se nnetefatsa hore bana bohle ba hlokang bontate ba a hlokomelwa?
Maafrika a thabiswa ke ho fana le ho arolelana. Morena o etsa bonnete ba hore ba hlokang ba a hlokomelwa. Dithollo, le nama mokgekgetho le dimpho tse ding jwalo ka jwala, bo sebediswang ka nako tse ikgethang, di nkwa ke morena ho fepa mafutsana le bahloki. Dimpho tsena di ekelletsa moo mmuso kapa ba boholong ba sa kgoneng ho fana ka thuso. Di kwala sekgeo. Ka tsela ena le tse ding tse ngata mokgwa wa bophelo wa bopelokutlwelo wa Maafrika o ile wa hola ka dilemo ho phethahatsa takatso ya ho fana ya motho ka mong, kapa dihlopha (ditlelapo le mekgatlo e mengata botjhabeng ba Maafrika) tse fanang ka mekgwa e fapaneng; ekasitana le ho thusa ka matsoho?
Bafani le borapelokutlwelo ba tswang mafatsheng a bophirimela ba tlodisitse bokgoni ba batho feela ba ho hlokomela ditlhoko tsa bona ka mekgwa e ba thusitseng ho phela le ho hola ka dilemokgolo. Bophelo ba motse ba kopanelo bo re rutile ho hlokomela baahisani ba rona. Ditlhoko tsa lelapa leo e ka ba tsa dijo, kapa booki ba ngwana ya kulang, kapa ho fumana tjhelete ho romela ngwana sekolong kapa kholetjheng, seng le setjhaba se fumana mokgwa wa ho thusa. Ka moya wa botho ba kgonang ba thusa ba hlokang. Tsela ena ya bophelo esale e hlophisehile ka mokgwa wa ditokofele le ho arolelana?
Ha motho o sheba morao dilemong tse 6 000 tse fetileng ke mophula ofe o ka bonwang nalaneng ya bopelokutlwelo Tjheseho e sa fetoheng e bonahala e kgannela batho ho fana Egepeta ya kgale, Gerike, Roma, Yuropo le Afrika. Botjhaba bo bong le bo bong ka tumelo ya bona le metheo ya botle bo ipopetse borapelokutlwelo ba ntsheditseng pele mehopolo ena le metheo ena ya botle ka ho fana ka mehlodi ya bona. Mongodi wa morao tjena ya tsebahalang tabeng tsena o re: Bopelokutlwelo dilemokgolong tsa bo20 bo tsebahala e le mosebetsi wa boithaopo o etswang molemong wa setjhaba, ka ho sebetsa ka boithaopo, ho ikamanya le ba bang ka boithaopo le ho fana ka boithaopo. (Robert Payton: Center on Philanthropy Indiana)?
Mekgatlo ya setjhaba (Mekgatlo eo e seng ya phahello) ke mekgatlo e thehilweng ka batho. Boholo ba yona e phethahatsa ditlhoko tsa batho ditjhabeng tsa yona. Kaofela ha yona e tsamaiswa ke basebetsi le/kapa baithaopi. Bohle ba itshetlehile ka ho kgathalla, tlhokomelo le thahasello ya batho (bafani) hore ba be le mehlodi. Ha re tadima ditlhoko tsa mefuta e fapaneng tsa batho Afrika Borwa ka bophara re bona hore motho o hlophiseditswe ho sebetsana le ditlhoko tsena ka mekgwa e meraro e fapaneng empa e tsamaya e nyalana.
Ditlhoko tse kang thuto, bodulo le bophelo bo botle hangata di shejwa ke mmuso o sebedisa ditjhelete tse bokelletsweng ka lekgetho kapa dithuso tsa dinaha tse ding. Ditlhoko tse kang dijo, boitshireletso, ditshebeletso tsa bongaka, boithabiso, diaparo, le mesebetsi di fetohile matla a kgannang bahwebi ba rekisang dintho kapa ditshebeletso tsena ka phahello hore ba atlehe. Ka ha mmuso kapa kgwebo e ke ke ya sebetsana le ditlhoko tsa setjhaba kaofela, ditjhabana di lokela ho sebetsana le mathata a mangata a metse le a naha. Ka botsona boemong ba batho feela.
Ka mehla ha mekgatlo eo e seng ya phahello e ema ka maoto ho rera mananeo a ho bokelletsa matlole e qala ka ho batla batho , dihlopha kapa mekgatlo e tla phehisa. Le ha mekgatlo ya Afrika Borwa e shebane haholo le ho kopa thusa bafaning ba ka ntle, difaondeisheneng, diteraseteng le kgwebong, ka mehla ba iphumana ba buisana le batho mekgatlong ena. Qetellong qeto ya ho fa mokgatlo tjhelete e etswa ke motho ya itseng kapa komiti ya batho ba itseng.
Bafani ba mefuta yohle ba kopanya matsoho le mekgatlo eo eseng ya phahello mesebetsing le matsholong a reretsweng ho tswela setjhaba molemo. Boipolokelo bona bo etswang setjhabeng bo kenyelletsa le dikamano tseo ba nang le mehlodi ba nang le tsona le setjhaba seo ba fumanang bophelo ba bona ho sona; ho itahlela ka setotswana mathateng a tikoloho, a naha le a moo motho a phelang a shebaneng le setjhaba. Maikutlo a tsepamisitswe ho phelelaneng ha bafani le mekgatlo eo e seng ya phahello.
Takatso ya sethatho ka Melawana ena ke hore e sebetse e le lesupatsela ho bohle ba fanang ka thuso kapa ba tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa ka ho fapana ha yona le dikaro-moruong tse fapaneng; e leng bafani ba dinaha tse ding, boraditjhelete, diterasete, difaondeishene le batho ka bomong. Ho ntse ho hlokometswe hore ba fanang, le ha ba ena le ditokelo tsa bona, ba lokela ho ikobela maemo le metheo ya botle, ditabatabelo le tjhesehelo tse tla etsa hore ho be le thekolohelo le mananeo a ntshetsopele ditjhabaneng tsa Afrika Borwa ka diketekete tsa mekgatlo eo e seng ya phahello e ba emetseng.
Ha o ka botsa mokgatlo ofe kapa ofe oo e seng wa phahello hore ba lebelletse ho fumana thuso ya ditjhelete kae ka moso, ba tla sitwa ho o fa karabo e otlolohileng. Ekaka tseo ba kopaneng le tsona ka nako e fetileng phanong ya ditjhelete di bakile hore ba ba tshwasehe kutlwisisong e mopatisane ya moo tshehetso ya bona e ka fumanehang teng. Ba bang esale ba itshetlehile ka dikgahlanyetso tsa mmuso kapa dikontraka ho tshehetsa meputso ya bona le ditjeho tsa tshebetso tsa kgwedi le kgwedi. Boholo ba mekgatlo esale e leka ho thetla dikoporasi tsa lehae le ha katleho e bile e fokolang.
Ke dipalopalo tse mmalwa tse fumanehang tsa moo mekgatlo eo e seng ya phahello esaleng e fumana tshehetso. Dinaheng tse tswetseng pele jwalo ka Canada, United States, Great Britain, lesedi lena le fumaneha habobebe dikantorong tsa diapalopalo tsa mmuso, kapa diyuniti tsa diphuputso, kapa boikamahanyong le mekgatlo eo e seng ya phahello. Ka 1994 Yunivesithi ya Johns Hopkins, Baltimore US, e ile ya qala lenaneo la phuputso la matjhaba. Hara tse ding ba tlaleha ka moo mekgatlo eo e seng ya phahello e fumantshwang ditjhelete. Phuputso ya bona ya sethatho, ya mekgatlo e dinaheng tse 12 (tse 6 tse tswetseng pele le tse 6 tse ntse di tswela pele) e bontshitse hore 43% tsa ditjhelete tsa mekgatlo eo e seng ya phahello di tswa dithusong le dikgahlanyetsong tsa mmuso, 47% e iketsetsa yona, mme 10% di tswa ho bafani.
Le ha lesedi le tswang dinaheng tsaAfrika le sa ka la kenyelletswa lekgetlong la pele la phuputso ena, dikakanyo di lekanya hore 90% di tswa ho bafani, mme 10% di tswa kunong e iketseditsweng. Setshwantsho sa Afrika Borwa se batla se sa hlaka, empa ho na le ditshupo tsa hore palo e ka bang 70% ya kuno ya mekgatlo eo e seng phahello e tswa ho bafani, 25% e a iketsetswa mme 5% e fanwa ke mmuso ka tsela ya dikgahlanyetso le dithuso.
Pokelletso ya ditjhelete ke ketsahalo ya ho batla kapa ho fapanyetsana, e hlokang kutlwisiso ya moo kgonahalo ya thuso e ka fumanwang teng (mabatowa); ba thabiswa le ho se thabiswe ke eng. Ke ka kutlwisiso ena feela mokgatlo oo e seng wa phahello o ka bang boemong ba ho ipuella moo thuso e ka fumanwang le hona ho pepesa melemo ya ho tsetela mananeong a ona.
a. Dimpho tsa tjhelete b.
c. Ho kopanela ditjeho, jwalo ka ho lefella akhaonte ya mohala kapa ho fana ka sebaka bakeng sa kantoro d. Ho tshehetsa ketsahalo ka ditjhelete, jwalo ka konsarete ya mmuni ya ho bokelletsa matlole e. Ho reka ditshebeletso tseo mokgatlo oo e seng wa phahello o fanang ka tsona, jwalo ka wekeshopo ya klwetliso ya bokgoni f. Ho reka dihlahiswa tse etswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello jwalo ka diT-shete kapa dibapadiswa g. Ho reka ditekete tsa dipapadi, kapa rafole h.
Mehlodi ena e teng mme e ka fumanwa ka mekgwa ae fapaneng.
Bafani ba dinaha tse ding: Dibilione tsa diranta di filwe mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa ke mebuso ya dinaha tse ding le makala a bafani dilemong tse tswa feta. Ho mekgatlo e neng e tshwarane le ntwa le mmuso o fetileng wa kgatello, ona e ne e le ona feela mohlodi wa kuno. Ho tloha ka 1994 dithuso tsa ditjhelete tse tswang dinaheng tse ding di se di feta ka mmuso o motjha o kgethilweng ka demokrasi, ha phano ya ditjhelete tse tswang ka ntle ya poravete e ntse e le ya mekgatlo eo e seng ya phahello. Ho akanywa hore 11% ya kuno ya mekgatlo eo e seng ya phahello e tswa mehloding ya ka ntle?
Boraditjhelete ba Afrika Borwa: Matsete a dikgwebo tsa Afrika Borwa ha esale a ntse a hola. Ho na le dikgwebo tse fetang 200 000 tse ngodisitsweng Afrika Borwa le dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng le tse sa hlophiswang tse fetang dimilione tse pedi. Ho lekanngwa hore 11% tsa dimpho tsohle tse fuwang mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa di tswa karolomoruong ya boraditjhelete. Phuputso (Bureau of Marketing Intelligence annual survey) e re bolella hore 60% tsa dimpho tse tswang ho boraditjhelete e ya diprojekeng tsa bona tse amang ka ho otloloha basebetsi ba bona kapa moo ba rekisang teng. Ho fana ha bona ha ho eso hole haholo dilemong tse tswa feta, hobane dimpho tsa boraditjhelete di laolwa ke phahello. Ha phahello e le tlase tjhelete eo ho ka fanwang ka yona e a fokola?
Sena se bolela hore ho na le kgonahalo ya kgolo ho faneng, haholoholo dikgwebong tse nyenyane ho ya ho tse mahareng. Bongata ba dikhamphani tse kgolo bo shebile ho boellwa ha di tsetela setjhabeng. Sena se tlisa kgonahalo ya ho etsa matsholo a kopanelo le mafapha a patlo ya mosebetsi a dikhamphani tsena. Boraditjhelete ba ka arolwa ka dikgwebo tsa naha le tsa lehae. Ho buisana le boraditjhelete ba naha hangata ho etsahala ka ntlokgolo ya bona, empa dikantoro tse ding tsa makala di na le matlole a manyenyane oa ba ka a sebedisang ka boinahenelo ba bona ho thusa mekgatlo eo e seng ya phahello ya lehae.
Difaondeishene tsa thekolohelo/Diterasete: Le ha ho se na lenane la Diterasete, tsohle di lokela ho ngodiswa tlasa Molao wa Diterasete wa 1974. Terasete ya thekolohelo e ba teng ha motho kapa mokgatlo o ratang ho etsa Terasete o fana ka tjhelete kapa thepa ho motho e mong ya tsejwang e le Mohlokomedi wa terasete. Matlole ana a tsamaiswa molemong wa baunamolemo, ebang ke batho ka bomong kapa ke mekgatlo. Terasete e laolwa ke Tokomane ya Molao ya Terasete e supang lebitso, sepheo, ho kgethwa le matla a mohlokomedi wa terasete le tsamaiso ya Terasete. Ho dumelwa hore ho ka ba le Diterasete tsaThekolohelo tse 700 Afrika Borwa, tse thehilweng ke batho ka bomong, kapa dikgwebo kapa mmuso, mme di fepela kuno ya selemo le selemo ya mekgatlo eo e seng phahello e ka bang 5%.
Mekgatlo: Tlhaloso ena e akaretsa mekgatlo yohle le dihlopha tsohle tsa batho ba nang le kgahleho e tshwanang. Ho teha mohlala, ho na le mekgatlo ya thuto ho tloha pele ho sekolo ho isa boemong ba yunivesithi; mekgatlo ya bodumedi; mekgatlo ya dipapadi, mekgatlo ya tshebeletso (jwalo ka Round Table le Rotary) le mekgatlo ya botjhaba. Hangata mekgatlo ena e inkela mooko kapa e tsepamisa maikutlo kapa kgahleho, nako e itseng mme e bokelletsa matlole kapa e fana ka tshebeletso le baithaopi ho thusa seo ba ikgethetseng ho se etsa.
Motho ka mong: Ho na le batho ba ka bang domilione tse 40 Afrika Borwa, bao diperesente tse 15 tsa bona ba nang le seabo kahong ya moruo mme ba ka bitswa moo phano e ka fumanwang teng. Ke mona moo ho nang le palo e kgolo ka ho fetisisa ya ba ka fanang ho mekgatlo eo e seng ya phahello. Dikakanyo di supa hore batho ka bomong ba dimilione di 9 ba fana ka dibilione tse 8 tsa diranta ka selemo ho mekgatlo eo e seng ya phahello. Bokgoni ba ho qholotsa ho fana le tshehetso ho batho ka bomong ke phephetso e kgolohadi pokelletsong ya ditjhelete. Batho ka bomong ba ka arolwa ka mekga e mengata.
Bafana ba seng ba ntse ba fana Bafani ba ka fanang Bonna le Botshehadi Ditho kapa ba ingodisitseng Boholo Ditho tsa Boto Maemo a lenyalo (nyets[w]e / ha a nyal[w]a / hladile jwalojwalo.) Basebetsi Dikgahleho (bana/diphoofolo/maqheku/ jwalojwalo) Baithaopi Ditlwaelo tsa ho fana (kheshe/tjheke/debit order jwalojwalo) batswadi Thuto Baithuti ba maoba Lapeng (ntlo/kamore/ jj) Bana ba sekolo Kuno ya lelapa Basebeletswa Ba mphile bokae kgetlong le fetileng Baunamolemo Ba qetetse ho fana neng Setjhaba ka kakaretso Mosebetsi?
Difello tsa ditshebeletso: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e sebelletsa batho le ho phethahatsa ditlhoko tsa bona. Ka nako e fetileng bongata ba ditshebeletso tsena bo ne bo fanwa ntle ho tefiso, haholoholo ho mafutsana le ba hlokang bodulo. Le ha ho le jwalo mokgatlo wa thuto jwalo ka sekolo sa poraevete kapa yunivesithi e lefisa tjhelete. Le mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e batlana le mekgwa ya ho tlisa kuno ka ho rekisa ditshebeletso tsa yona. Ho tea mohlala, tliliniki ya bophelo bo botle e tla lefisa tjhelete e itseng ha e etelwa, kapa bakeng sa ditlhare; tlenaneo la sedika la thuto ya HIV/AIDS le tla lefellwa ke mmuso. Baithaopi ba sebeletsang mokgatlo oo e seng wa phahello ba atisa ho kena mesebetsing e kenyang kuno ho thusa ho tshehetsa mokgatlo.
Thekiso ya diphahlo kapa dihlahiswa: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e sebetsana le ho kwetlisetsa batho bokgoni le ho hlahisa mefuta e fapaneng ya dihlahiswa. Dihlopha tsa temo di sebetsana le dijalo le diphoofolo; dihlopha tsa moroko di hlahisa diaparo le line; dihlopha di etsa ditene, ho kampela ka terata, diforeimi tsa difensetere, bohobe, le dintho tse ding tse ngata. Sepheo sa mantlha ke ho thusa batho ba sa kang ba ba le bokgoni kapa ba sa sebetseng ho fihlella ho itlhokomela. Empa mokgatlo ka boona o ka una molemo ka ho rekisa dihlahiswa ka tjhelete kapa ka khomishene, kapa ba lefisa basebedisi ba disebediswa tsa bona. Ba ka reka disebediswa tse tala ka bongata , mme ba di rekisa ho bahlahisi ka ho ikenyetsa tjhelete e seng kae.
Ke eng e kgothalletsang bafani ho fana?
Ha ho rerwa ho batlela sehlahiswa kapa tshebeletso bareki , kgwebo e lokela ho batlisisa hore ke batho (bareki) ba hlokang eng le hore takatso ya bona e ka qholotswa jwang ka ho phethahatsa ditlhoko tsa bona ka sehlahiswa; kapa tshebeletso eo. Ho jwalo feela le ka pokelletso ya matlole, o lokela ho utlwisisa hore ke eng e bakang hore batho ba rate se itseng. Batho ba etsa kgetho jwang pakeng tsa bophelo bo botle, ditokelo tsa botho, thuto, boithapollo, ditshebeletso tsa setjhaba, tsa tikoloho le tse ding tseo ba ka di hlokang kapa ba di batla?
Mosebetsi wa pele ke ho utlwisisa hore batho ba hlabolla dikgahleho tsa bona tsa sethatho jwang sehlahiswang kapa tabeng e itseng, mme ke ditlhoko kapa dipatlo dife bonahalang ha ba etsa qete.
a. Ke dintho dife tse qholotsang kgahleho?
b. Ke ditlhoko le metheo efe e tebileng haholwanyane e sebetsang ha ba kgonang ho fana ba sekaseka seo ba tla se etsa?
c. Ke dipatlo dife ka ho otloloha tse qholotswang ke ditlhoko tsee?
Kgahleho ya mofani tabeng e itseng e ka tsosoloswa ke maemo a ka hare kapa a ka ntle. Maemo a ka hare a hlaha ha motho a qala ho utlwa tlhokahalo ya, kapa ho lokela ho, etsa se itseng. Maemo ana a ka hlaha ka sebopeho sa qholotso ya mmele jwalo ka tlala kapa lenyora kapa qholotso e ka kelellong jwalo ka ho teneha kapa ho ngongoreha.
Maemo a ka ntle a hlaha ha ntho e itseng e ka ntle e kena mohopolong wa motho mme e qholotsa kgahleho. Maemo ana e ka ba motho ka mong, jwalo ka motswalle kapa seng kapa a mosebetsi-mmoho, kapa e ka ba ao e seng a motho ka mong jwalo ka ditaba tsa koranta, lengolo, kopo ya thuso ya tjhelete, kapa lenaneo la seyalemoya.
Maemo ana a qholotsang a na le bokgoni ba ho tsosa ditlhoko mothong. Ha a qape ditlhoko empa a tsosa ditlhoko tse seng di le teng. Ka hoo mmokelletsi wa ditjhelete o lokela ho utlwisisa hore ke ditlhoko dife tsa motheo tsa motho ka mong tse sebeletswang ke sehlahiswa sefe. E nngwe ya ditekanyo tsa bohlokwa ka ho fetisisa ya ditlhoko tsa motheo ke Hierarchy of needs ya Maslow. Maslow o re batho ba nka bohato ho phethatsa ditlhoko tsa bona tsetlase pele pele ba ka phethahatsa tse hodingwana. Mohlala, motho ya bolawang ke tlala o qala ka ho sebedisetsa matla a hae ho batla dijo. Ha tlhoko ena ya motheo e se e phethahaditswe, a ka sebedisa nako e nngwe tlhokong tsa polokeho, jwalo ka ho ja dijo tse nepahetseng le ho hema moya o hlwekileng. Ha a ikutlwa a bolokehile, o tla tswela pele ho tebisa dikamano tsa hae le batho mmoho le setswalle. Ha morao ho feta moo, a ka qala ka ho batlana le tse tla phethatsa tlhoko ya boitshepo le tlhompho ho ba bang. Hang ha ena e phethahaditswe, o bolokolohing ba ho ho ntshetsa bokgoni ba hae pele ka mekgwa e meng. Ha tlhoko ka nngwe e tlasana e ntse e phethahatswa, e fellwa ke matla a ho ba yona e mo kgothaletsang mme e hodingwana e qala ho laola ditabatabelo tsa motho?
Ho tseba hore mofani o mothating ofe wa tlhoko ho thusa mokgatlo oo e seng wa phahello ho lokisa boipiletso bo tla tlisa karabelo e molemohadi. Ho tea mohlala, tshabo e sebediswa ho qholotsa tshehetso bakeng sa diprojeke tse thibelang mahloko a tshajwang.
Batho ba kgahlilweng ke taba kapa sehlahiswa se itseng hangata ba kgona ho qoholla dipatlo tseo ba lakatsang ho di phethahatsa. Dipatlo tsena di ka sibollwa ka ho botsa batho hore ba batlang. Ha ho mokgatlo o ka phethahatsang dipatlo tsohle hara ba ka fanang. Empa ka ho leka ho utlwisisa tsa moraorao tsa ba fanang mokgatlo oo e seng wa phahello o kgona ho fana ka mananeo le ditharollo tsa diqaka tse tla bang ho ya ka ditebello tsa bafani. Le ha mekgatlo ya baahi e sa batle ho laelwa ke bafani, ba ka ba le bonnete ba tshehetso e tswelang pele ha bafani ba ikgotsofaditse hore tjhelete ya bona e sebedisitswe hantle mananeong ao ba utlwisisang hore ke a bohlokwa.
Ha o na le lesedi lena la ditlhoko le dipatlo tsa batho (bafani) mokgatlo oo e seng wa phahello o ka le sebedisa ho iphumanela dikarabo tse bontshang ho dumela ho bafani. Le ha mokgatlo oo e seng wa phahello o ka ba le kutlwisiso e itseng ka seo batho ba se hlokang mehatong e fapaneng ya bophelo, o lokela ho se itlokomolle nnete ya hore tsena hangata di tshwaetswa ke diketsahalo lefatsheng le re potapotileng. Ka lebaka la ditjeho tse hodimo tsa ho tsamaisa lenaneo lefe kapa lefe la pokelletso ya ditjhelete ho a utlwahala hore mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ipha nako le ho etsa matsapa ohle ho batlisisa ba tla mamela kopo ya bona. Ka lebaka la palo e itshehetseng meedi ya ba ka fanang Afrika Borwa, mekgatlo eo e seng ya phahello ha e hloke ho sheba feela bafani bao e nang le bona, empa e lokela ho atolosa kgahleho ya bona ka tsela tse tla lokollla mehlodi kgafetsa.
Pokelletso ya matlole ha se bokopi, ke ho thusa batho ho thusa batho. Ho sa kgathallehe hore tjhebahalo ya motho ya ka ntle e jwang, ka hare ke lentswe le mo qhoqhang ho intlafatsa ho feta ka moo a bonahalang ka teng. Ho fana ke e nngwe ya diketso tse lokollang se setle ka ho fetisisa ka hare ho wena. Se kgothatsang ka ho fetisisa ke hore batho ba fa batho ha ba fane mekgatlong e hlokang. Ha ba lefe melato ya batho. Bohare ba pokelletso ya ditjhelete e sebetsang ke ho hapa maikutlo a batho le ho ba etsa hore ba fane hape le hape. Mabaka ke ana a etsang hore bafani ba tshehetse mosebetsi wa Mokgatlo oo e seng wa phahello?
Batho ka bomong: Phano yohle e etswa ke batho ka bomong. Ba bang ba fana lebitsong la kgwebo tse kgolo, kapa faondeishene kapa naha eo ba e emetseng.
E a nthabisa?
Ke ho boellwa ke letho Ha ke ena le tlhoko ke lakatsa hore o ntshehetse?
Kgatello ya dithaka Metswalle yaka le beso ba a fana, ka hoo ke lokela ho fana?
Ke a o rata Ke rata seo wena le mokgatlo wa heno le se etsang setjhabeng?
E kile ya ntlhahela ke rata ho thusa motho ya nang le tlhoko jwalo ka nna?
Hobane o nkopile Ke ne ke sa tsebe hore ho na le tlhoko ho fihlele o nkopa?
Boraditjhelete: Dikgwebo di fana feela ha di etsa phahello, mme boholo ho fana ho amanngwa le hore khampani e tla hlaha jwang setjhabeng le bokgoni ba ho etsa phahello ka moso. Ka nako e nngwe e bitswa Enlightened self-interest?
Ntlafatsa sefahleho sa khamphani Setjhaba se tla utlwisisa hore re a se kgathalla?
Ntshetsa ditakatso tsa ka pele Re tshehetsa ho qaptjwa ha mesebetsi hobane batho ba sebetsang ke bareki?
Bitsong la ho itsebahatsa Re batla ho bolella bareki ba rona hore re tshehetsa setjhaba?
Ho qoba ho lefa lekgetho Re fana ka dithuso hore re fumane poello ya lekgetho ebang e le teng?
Ho tsosolosa thekiso ya rona Keketseho ya bareki ba thabileng e bolela hore batho ba bangata ba tla reka ho rona?
Ke rata kopo ya lona Kopo ya lona ya tshehetso e tsamaelana le tseo re di hlokang?
Difaondeishene (kapa Diterasete): Hore na faondeishene e fana ka tjhelete kae ho hlaloswa ke Molao wa Terasete. Sena se hlahisa takatso le ditabatabelo tsa bafani ba sethatho ba Terasete ya thekolohelo. Ho atisa ho hlokahala hore Terasete e fane ka peresente e itseng ya kuno ya selemo eo ee fumaneng matseteng.
Re na le tjhelete eo re ka fanang ka yona Molaotheo wa rona o re qobella ho hasanya tjhelete e itseng selemo ka seng?
Kutlwelobohloko kapa kgauhelo E ne e le ka ho utlwela bohloko bakeng sa thuto ha Terasete ya rona e tla thehwa?
Ho tlisa diphetoho Re dumela hore tjhelete eo re nang le yona e ka tlisa phapang?
E nyalana le takatso ya rona Sehlopha sa motheo se ne se batla ho ikgotsofatsa hore se tsheheditse (ditokelo tsa botho)?
Re qobelletswe ho fana E ngotswe Molaotheong wa Faondeishene ya rona?
Ke seo re se dumelang Ho molemong wa naha ya heso ho tshehetsa (ho qaptjwa ha mesebetsi)?
Mobuso wa naha e nngwe kapa Lekala: Mebuso e tswetseng pele e kgothalletswa ho tshehetsa lefatshe le ntseng le tswela pele. Hanagata qeto ya ho etsa sena ke ya dipolotiki, e le karolo ya leano la kantle. Mebuso e mengata e sebedisa makala a ikemetseng (jwalo ka USAID America kapa CORDAID European Union) ho tsamaisa dithuso tsa mekgatlo ya setjhaba?
Lebitsong la ho tsebahala E re thusa ho aha seriti sa rona hara matjhaba a lefatshe?
Ho bopa kamano E le karolo ya tumellano ya kgwebo e mahlakore a mabedi?
Bakeng sa kgotso le toka Re ka kenya letsoho ho boptjweng ha kgotso ya lefatshe, ka ho tshehetsa ho phahamisa ditjhaba tse futsanehileng?
Ho bopa tshebetsokopanelo Ho ba karolo ya sehlopha sa mafatshe a nang le seabo jwalo ka Commomwealth?
Ke leano la rona la ka ntle Maikemisetso a rona a dipolotiki a re ntshetsa ka mose ho meedi ya rona?
Ho ntlafatsa moruo Ho tsetela kgolong ya ditjhabana ho ama bophelo bo botle ba setjhaba ba ka moso?
Ho ba bolokolohing ba ho araba dipotso ha ba fana ka mpho le ho amohela dikarabo tsa ka pele, tsa nnete, mme tse otlolohileng.
Ka baka la bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa ho kgetha o lokelang ho tshehetswa e ka ba bothata. Mofani o lokela ho qala phuphutso ya hae ka ho botsa dipotso di se kae tsa motheo: Ke dintho dife tseo e leng tsa bohloko ho lona Maikutlo a lona a hokae Ke eng eo o ratang ho bona e fetohile setjhabaneng kapa lefatsheng le o potapotileng Ho fumana Mokgtalo oo e seng wa phahello o sebetsang hantle dikarolong tseo e leng tsa bohlokwa ho mofani ke mohato wa pele. Ka hoo ho na le kgonahalo ya hore o tla dula o fumana lesedi ka ditaba tse o amang le boitlamo ba ho fana ka nako e telele. Boitlamo bona bo thusa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho etsa matsapa a nako e telele ho sebetsana le ditaba tseo ba tshwaraneng le tsona?
Eba mofani ya tsebang. Etsa boikgathatso ba ho ithuta ka hohle ka moo o ka kgonang ka seo le batlang ho se tshehetsa. Ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o tla ho lona se ke la qeyaqeya ho botsa dipotso. Mekgatlo eo e seng ya phahello e a tseba hore bafani ba batla lesedi ka mefuta ya mananeo ao e a tsamaisang, ka moo ditjhelete di arolwang, jj. Ba lokela ho le fa dikarabo tseo le di hlokang.
Lekanyetsang ho fana. Kenyelletsang maikemisetso a lona a ho fana moralong wa lona wa ditjhelete. Ho behella ka thoko tjhelete bakeng sa merero ya bohlokwa ho lona ho etsa hore le kgone ho fana kgafetsa.
Bolokang dirasiti tsa lona tsa dimpho. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ntsha rasiti bakeng sa mpho ka nngwe. Etsa bonnete ba ho di boloka bakeng sa lekgetho. Bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa e kgona ho fana ka poello ya lekgetho ka baka la Temana ya 18(a) e ekeditsweng ya Molao wa Lekgetho la kuno. Le tla lokela ho hlakisa dimpho tsa lona diforomong tsa lekgetho tsa selemo le selemo.
Botsang ka ho lekanya dimpho. Bafani ba bangata kajeno ba kgothalletsa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho ala mehlodi ya yona ya ditjhelete. Ka ho phephetsa Mokgatlo oo e seng wa pohahello ho lekanya mpho kapa ho kenya seabo se itseng, ka ho batla thuso ho tswa dibakeng tse ding ho thusa ditjhelete tse fanweng ho ikatisa tshebetsong ya tsona.
Fanang le sa ipolele ebang le rata. Mekgatlo yohle eo e seng ya pahello e lokela ho hlompha dimpho tse tse sa bolelwang. Ha se bafani bohle ba hlokang kapa ba batlang ho hlahella ka dimpho tsa bona, mme Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho hlomphela bafani sena.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho fana. Mekgatlo eo e seng ya phahello e una molemo mefuteng yohle ya ho fana. Dimpho, dimpho tsa lerato, nako le botsebi ba boithaopo ke mehlodi ya tshehetso ntle le tjhelete e amohelwang ke Mekgatlo eo e seng ya phaelo.
Le na le tokelo ya ho re tjhe. Ebang mofani a ikutlwa a sa kgodiseha kapa a sa kgotsofala ke tsela eo Mokgatlo oo e seng wa phahello o kopang tshehetso, kapa ebang le na le dipotso tse matla ka bomolaong kapa bokgoni ba bona ba ho phethahatsa ditshepiso, se qeyaqeyeng ho re tjhe. Iphe nako ho fumana dikarabo tsa dipotso tse le amang, e le hore le tle le kgone ho etsa qeto habonolo?
Le se ke la fa sehlopha seo le eso ka le utlwela ka sona tjhelete, le ha e le seo le se nang bonnete ka sona. Ho akanngwa hore ho na le Mekgatlo eo e seng ya phahello e 90 000 e batlang tshehetso Afrika Borwa. Ho na le kgonahalo ya hore o tla atamelwa ke mokgatlo oo o sa o tlwaelang. Pele le fana ka tjhelete mokgatlong oo e seng wa phahello o le sa o tsebeng batlang lesedi le ngotsweng, le kenyelletsang molaotheo wa bona; mabitso a ditho tsa lekgotla la taolo la bona; ditaba ka botlalo mabapi le boingodiso boo ba reng ba na le bona; moo ba bolokang tjhelete teng le nomoro ya bona ya akhaonte. Kgothalletsang Mokgatlo o mong le o mong oo e seng wa phahello o ikopanyang le lona ho fumana ngodiso tlasa Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello, wa 1997 (Molao wa 71 wa 1997).
Fumanang Mokgatlo oo e seng wa phahello o nepahetseng ho lona. Mekgatlo e mengata e menyenyane ha e na ditjhelete tse ba thusang ho batla bafani. Etsang boikgathatso ba ho fumana Mokgatlo kapa Mekgatlo eo e seng ya phahello e sebetsanang le karolo eo e leng ya bohlokwa ho lona. Ka ho etsa diphuputso le ka fumana mekgatlo e tsamaellanang hantle le sepheo sa lona sa ho fana.
Mosebetsi wa ho fana ka ditjhelete ho tshehetsa Mekgatlo eo e seng ya phahello ha esale e kopanngwa le tshebetso ya ho fana ya bafani ba ka ntle, diterasete, difaondeishene le kgwebo Afrika Borwa. Ho tloha maqalong a dilemo tsa bo1980 Afrika Borwa e shebilwe haholo ke bafani bana ba kantle le ba ka hara naha, ha naha e itlhothlora mahlaahlela a nako ya kgethollo mme e kena demokrasing ya nnete. Nakong yona eo bafani ba boraditjhelete ba tlohile mokgweng wa dimpho tsa thekolohelo, ba feta boikarabelong ba setjhaba ho ya boipolokelong ba setjhaba kapa ho beng le seabo ha baahi. Ha jwale ba ntse ba kena kamanong e ntjha le ditjhabana tsa Afrika Borwa e bitswang corporate citizenship. Bafani bohle ba baholo ba bontshitse takatso e kgolo ya ho kgothalletsa tshebetsokopanelo pakeng tsa mmuso le setjhaba e tla fetoha tikoloha e fanang ka bokgoni le ho ba le tswelopele ya tlhahiso bakeng sa baahi bohle ba naha ena?
Polelo e hlakileng: Dikgahleho tse totobetseng tsa ya fanang ka tjhelete, metheo e laolang phano ya tjhelete le diphetho tse batlahalang di hlaloswe hantle.
Ho ntlafatswa: Le ha ponelopele le mananeo di lokela ho ntlafatswa ka ho fetoha ha maemo a setjhaba le a moruo, ho fetolwa ha ngata ho fetelletseng ho lokela ho qojwa.
HO kenyelleswa ha ba amehang: Hantlentle maikutlo a baunamolemo ba thuso le ba bang ba amehanng a lokela ho batlwa ha ho botjwa ponelopele le ho hlabolla lenaneo.
Metheo ya ho fana ka ditjhelete: Metheo ya ho fana ka ditjhelete e ka kenyelletsa tse latelang: Metheo e akaretsang, e amanang le ditaba tsa boitjaro, ho tshepahala ha botsamaisi, bomolao, boikarallo, ho ba le seabo ha setjhaba, taolo ya ditjhelete, tlaleho; le Metheo e ikgethang, e amanang le sephetho se labalabelwang sa lenaneo le itseng.
Bopepenene bo lokela ho kgothalletswa hara bohle ba amehang tswelopeleng.
Bafani ba dithuso ba lokela ho etsa ka tsela e matlafatsang boikarabello ba bona ho balekane ba bona le ho ba nang le seabo.
Pepeso: Pepeso e phethahetseng ya dithuso ka botebo, e kenyelletsang le mabitso a ba fuwang thuso le boholo ba thuso, ke tsa bohlokwa haholo ntshetsopeleng. Bafani ba dithuso ba lokela ho tshehetsa pepeso ya lesedi le jwalo.
Tsa pele setjhabeng: Sekepele se sebediswang ha ho etswa dithuso, sephetho se batlwang le ditshupo tsa tswelopele di lokela ho kgema mmoho le tsa pele setjhabeng mabapi le ntshetsopele le tse amanang le yona.
Ditakatso tsa bafani: Lenaneo la ho fana le lokela ho ralwa ka tsela e tla nnetefatsa hore ditakatso tsa nnete tsa bafani di lekalekanngwa ka hloko le ditakatso le ditjhesehelo tsa baamohedi ba dimpho. Boleng ba phano e nepahetseng ke bokgoni ba ho sebedisa matlole ho phethahatsa ditakatso tsa mofani le moamohedi ka bobedi.
Lesedi le lokelang ho fanwa pele: Bafani ba dithuso ba lokela ho fana ka lesedi le hlakileng mme le tlang pele ho thuso mabapi le tsamaiso e latelang: Ho etsa kopa; nako eo dikopo di lokelang ho kenngwa ka yona; nako ya karabo ya ho dumelwa kapa ho hanwa; tsela eo tumellano e tla etswa ka yona ka sephetho; ho tlaleha tse hlokahalang; le hore na tjhelete e tla fumanahala neng.
Bokgoni bo lekaneng ba ho fihlela lesedi: Lesedi le filweng baamohedi ba dithuso le lokela ho ba boemong ba ho thusa bohle ba ka fuwang thuso, haholoholo dihlopha tse qheletsweng ka thoko jwalo ka ditjhabana le mekgatlo ya mahaeng, ba sa bueng Senyesemane, dihlopha tse nang le tse fokolang tse ka sebediswang , hammoho le batho ba sa tsebeng hantle ka tsamaiso ya ditjhelete.
Puisano e potlakileng: Nako pakeng tsa ho kenya kopo le ho etsa qeto e lokela ho ba kgutshwanyane haholoho ka moo ho ka kgonahalang. Ho hanwa, ka boikgetho, ho lokelwa ho etswa hang.
Ditekanyetso: Ditekanyetso tsa mananeo a dithuso le dibaka tseo ho tla tsepamaiswa maikutlo ho tsona di lokelwa ho etswa pele. Dithuso tsohle di lokela ho etswa ho ya ka tjhelete e leng teng.
Fana ka mabaka: Mabaka a ho hana kopo a lokelwa ho phuthollelwa mokopi.
Diqeto ka tsebo: Diqeto di lokela ho thehwa hodima kutlwisiso e phethahetseng ya ditaba tsa tswelopele mmoho le ditheori tse tsamaellanang tsa ntshetsopele. Ebang ho hlokahala keletso ya ditsebi e lokela ho batlwa ke mofani wa dithuso.
Thulano ya kgahleho: Bafani ba dithuso ba lokela ho nka mehato e hlokolotsi ho qoba thulano ya kgahleho mabapi le batho le mekgatlo e amanang haholo le boto le basebetsi ba mokgatlo o fanang ka thuso.
Ho buisana ka sephetho: Bafani ba dithuso ba lokela ho buisana ka sephetho sa ntshetsopele le moamohedi wa thuso lebitsong la ho aha tshebetso-kopaneloe lekanang ya ntshetsopele.
Baunamolemo: Tumellano e lokela ho hlokomela se hlokwang ke baunamolemo le ka moo ba hopolang hore dintho di lokela ho etswa ka teng.
Ditokisetso tsa thuso: Ditokisetso tsa thuso di lokela ho bolela ka ho hlaka bongata ba tjhelete, sepheo le nako ya thuso, ditsela tsa tefo, tlaleho ya bodisa e ka bang teng le ditlhokahalo tsa tekanyo tse ka bang teng, le maemo ao thuso e ka emiswang ka tlasa ona.
Ditefo ka nako: Bafani ba dithuso ba lokela ho nnetefatsa hore nako eo ho dumellanweng ka yona e a latelwa.
Bafani ba dithuso ba lokela ho ho latela mehato e sebetsang ya bodisa ho etsa bonnete ba hore ho na le taolo le ho nnetefatsa hore dithuso di sebediswa ho ya ka tumellano ya thuso. Bodisa bo hlwahlwa bo kenyelletsa?
ho ba le bokgoni ba ho fetoha ha ho hlokahala; le ho utlwisisa karolomoruo eo moamohedi wa thuso a sebetsang ho yona.
Ho lekanya sephetho sa lenaneo: Le ha mananeo ohle a hloka ho itekanyetsa tswelopele le tseo a di fihletseng, ka nako e nngwe tekanyo e thuswang ho tswa ka ntle e a hlokahala. Tekanyo e sebetsang ke ya bohlokwahadi ho ithuta ka tse etsahetseng le hona ho rerela ka moso.
Tshehetso e ntle ya theori le tshehetso ya ntshetsopele ya mokgatlo: Tshehetso ya ntshetsopele ya mokgatlo ho moamohedi wa thuso e ka hlokahala ebang tekanyo ya katleho e kgothalletsa diphetoho tsa motgheo. Ho lekanya katleho ya thuso ho lokela ho thehwa hodima tsebo e phethahetseng ya ntshetsopele ekasitana le ya tekeniki.
Ho lekanya katleho ya phano ya thuso: Matsapa a ka hare a ho lekanya katleho ya phano ya thuso e lokela ho ba karolo ya phano ya thuso. Katamelo e hlophisitsweng ya tekanyo ya katleho e tla fana ka motheo wa ho lekanya sephetho sa mananeo mme e tla beha motheo wa ho ntlafatsa diqeto tsa leano la ho fana.
Bafani ba dithuso ba lokela ho fumaneha le ho atameleha. Ba etsa ka hohle ka moo ba ka kgonang ho arabela mehala, ho arabela boipelaetso bo ngotsweng, ho fumaneha bakeng sa dipuisano le diprojeke, le ho sebetsana le mathata.
Boikemelo ka mora nako ya thuso: Bafani ba dithuso ba lokela ho kgothalletsa le ho tshehetsa baamohedi ba dithuso ho iqalla bokgoni bo hlokahalang le matsapa a ho ntshetsa mokgatlo pele ka mora nako eo thuso e etswang ka yona.
Ho qoha ho hloka boikemelo: Maano le ditsela tsa tsamaiso ya phano ya thuso di lokela ho etswa ka hore di matlafatse batho le ditjhabana. Sena se ka etswa ka ho qoba katamelo e qadikaneng ya ho kgaketsa; ho etswe maano a hlophisitsweng ka hloko ao sepheo ka ona e leng ho thuso bakeng sa boikemelo ba nako e telele.
Nako ya thuso le ho kgaotsa: Ho lokela ho shebisiswa taba ya ho ntshetsa dithuso pele ho feta nako ya selemo. Ho lokela ho fanwa ka tsebiso ya nako e lekang ya ho kgaotswa ha thuso. Bafani ba dithuso ba na le boikarabelo ba ho kgothalletsa boikemelo mme be lokela ho etsa sohle se ka kgonahalang ho thusa baamohedi ba thuso ho rera hantle.
Ditjeho tsa motheo: Bafani ba dithuso ba se ke ba iphapanya ho fana ka ditjhelete bakeng sa ditjeho tdsa motheo ha ba fana ka tjhelete bakeng sa ditjeho tsa mananeo a amanang le diphetho tseo ba di labalabelang.
Seriti le boikgetho ba baamohedi ba thuso: Bafani ba dithuso ba lokela ho sebetsa ka tsela eo boikgetho le seriti sa mekgatlo e unang molemo di hlomphuwang ka botlalo.
Dikamano le baamohedi ba thuso di hlomphuwe ke mahlakore ka bobedi, mme e be tshebetso-kopenolo eo ho yona lehlakore ka leng le nyehelang ka mokgwa o hlalositsweng hantle tekong ya ho fihlela sepheo se kopanetsweng.
Ho ba le seabo ha setjhaba: Bafani ba dithuso ba lokela ho kgothalletsa baamohedi ho kgothalletsa baahi ho ba le seabo mananeong a ntshetsopele tikolohong tsa bona.
Dikamano tsa tshehetsano: Bafani ba dithuso ba lokela ho theha dikamano tsa tshehetsano le baamohedi ba dithuso tse tswelang pele le ho feta ho faneng ka tjhelete. Tsena di kenyelletsa ho nka boikarabelo ba ho hlabolla botsebi ba tlhahiso ya ntshetsopele, ho abelana nako, botsebi le mehlodi e meng.
Mananeo a lokela ho lekolwa botjha kgafetsa ho ya ka maemo a fetohang a setjhaba le moruo. Mekgwatsamaiso e lokela ho ntlafatswa ho eketsa bokgoni. Bafani ba dithuso ba lokela ho ntlafatsa boleng ba maano le mokgwatsamaiso wa bona ka ho kopana kgafetsa le bafani ba bang ba dithuso, ba etse bonnete ba hore basebetsi ba bona ba kwetlisitswe hantle, le ho kgema mmoho le mekgwa ya naha le ya matjhaba ya ho fana ka dithuso.
Dilemong tse tswa feta bahlahisi, mabenkele a rekisang, le mekgatlo ya ditjhelete di se di sebetsana le ho bokelletsa matlole bakeng sa dintho tsa bohlokwa jwalo ka bana le tikoloho. Ha ba etsa jwalo ba fumana sebaka sa ho pepeseha le ho iphumanela bareki ba batjha. Cause-related marketing e tsebahalang haholo Afrika Borwa e le tshehetso e fana ka monyetla wa bohlokwa wa hore mekgatlo eo e seng ya phahello e meholo le e menyenyane e sebetse mmoho ho una mahlakore ka bobedi. Sena se hlaloswa e le monyetla wa Win, win, win. Kgwebo e eketsa dipalopalo tsa thekiso ya dihlahiswa kapa ditshebetletso tsa yona, kapa hona ho ntlafatsa seriti sa yona hara ba ka fetohang bareki. Mokgatlo oo e seng wa phahello e itlhahisa haholwanyane le ho fumana ditjhelete tse eketsehileng ho tswa mohloding o motjha. Setjhaba le sona se kgola ditholwana tsa ho ba le seabo letsholong leo. Dikgwebo di bona kgokahano ya tsona le ho etsetsa setjhaba molemo e le monyetla wa ho rekisa, le ho lefella letsholo leo ditekong tsa yona tsa ho batla bareki. Ka tsela ena Mekgatlo eo e seng ya phahello e kgona ho fumana tjhelete mehloding ya boraditjhelete ntle le ditekanyetsong tsa yona tsa dithuso?
Tshehetso e hlaloswa e le: Kamano eo ho yona ho unang mahlakore ka bobedi pakeng tsa boraditjhelete le mokgatlo oo e seng wa phahello, moo boraditjhelete ba batlang bareki le ho hlahisa tseo ba di rekisang mme mokgatlo oo e seng wa phahello o bokelletsang tjhelete le ho itlhahisa setjhabeng.
Sena se atisa ho bonwa sedikadikweng sa dipapadi, moo boraditjhelete ba ntshang tjhelete e ngata ka ho tshehetsa dipapadi tse kang bolo ya maoto mme bona ba hlahela haholo thelevisheneng. Molemo wa ho hlahela thelevisheneng o feta hole tjhelete eo motshehetsi a e ntshitseng, mme seo ke sona se etsang hore tshehetso e hohele borakgwebo.
Ho bapatsa, Dikamano le setjhaba le Matsholo a ho batla bareki: Dikgwebo di filwe tumello ya ho sebedisa letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello papatsong ya tse ngotsweng le tsa eleketeroniki.
Diperesente tsa thekiso: Mokgwa o ratwang, mme o bonolo ke wa ho fa mokgatlo oo e seng wa phahello peresente ya phahello thekisong ya sehlahiswa. Kapa peresente e nyenyane ya tshebetso ya ditjhelete ka karete ya mokitlane kappa ka tjheke e fuwa mokgatlo oo e seng wa phahello.
Ho bapatsa: Dikhamphani di kenyelletsa lebitso le letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello dikhuphoneng tsa tsona tsa theolelo, mme di fana ka tjhelete bakeng sa khophone ka nngwe e rekileng.
Tshehetso: Boratjhelete ba fumana ho hlahella ka ho jara ditjeho tsa diketsahalo tsa ho bokelletsa matlole.
Tshebetso-kopanelo: Dikhamphani di batla bareki ba dikarete tsa mokitlane, dipholisi tsa enshorense le dihlahiswa le ditshebeletso tse ding batshehetsing ba mokgatlo oo e seng wa phahello, mme ba fana ka peresente kappa ka tjhelete e itseng mokgatlong e le ho lefella monyetla ona.
Tshehetso ke tumellano ya kgwebo, ha se feela ketsahalo ya ho bokelletsa ditjhelete. Mokgatlo oo e seng wa phahello o hloka ho kgetha molekane kgwebong ena hantle, ho be le ho dumellana pakeng tsa mokgatlo oo e seng wa phahello le sehlahiswa kapa tshebeletso ya raditjhelete ya kgethilweng. Ho jwalo feela ka kgwebo, e tla batla mokgatlo kapa mosebetsi o tla nyalana le seriti sa yona le maikemisetso a yona a ho batla bareki.
Ba fa lebitso le letle setjhabeng.
Nako ya bophelo ba lenaneo le maikemisetso, le maraka wa raditjhelete le lebatowa la mokgatlo oo e seng wa phahello di qohollotswe hantle.
Ka mantswe a mang, sepheo sa mantlha sa tshehetso ke ho rekisa sehlahiswa haholo. Mokgatlo oo e seng wa phahello o kena tshebetso-kopanelong ka ho lekana, mme motshehetso o una molemo wa ho ipatlela bareki. Ho mokgatlo oo e seng wa phahello sepheo sa mantlha ke ho bokelletsa tjhelete e ngata ho lefella merero ya ona. Maikemisetso ana a batlang a hanyetsana a ka phela mmoho ntle le ho sitisana.
Ho thabisa kapa ho baka kutlwano bareking ba sehlooho le bao e ka bang bareki?
Ho kgothatsa ba hwebang tlasa bona, barekisi ba bona le basebeletsi.
Ditokisetso tsa tshehetso tse entsang ka molomo ha di a lekana. Tumellano ya molao e tlamang e lokela ho ngolwa e hlahisa boitlamo le tse lebelletsweng mahlakoreng ka bobedi. Tumellano e bolela seo lehlakore ka leng le lokelang ho se etsa le ho se se etse, e lokela ho tlosa pherekano le ho se utlwisise ditlhophisong. E lokelas ho etswa ho sirelletsa mokgatlo oo e seng wa phahello mmoho le raditjhelete.
Dintlha tsa tsohle tse ngotsweng ka ho phethahala, ho kenyelletswa le diphatlalatsi, dipampitshana le mananeo tse hlahisetswang ketsahalo kapa lenaneo leo?
Dintlha mabapi le ditjeho tse ding tse tla lefshwa ke motshehetsi, jwalo ka papatso, tsamaiso, kgatiso, phepo, boithabiso, maeto, jj.
Tumellano efe kapa efe e amanang le tsena e mabapi le tsamaiso le taolo ya lenaneo kapa ketsahalo; ho sebetsa le badumellani ba ka ntle jwalo ka makala a papatso; ho rera dikopano; ho boloka direkoto; ho fana ka tlaleho ya tswelopele.
Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole kapa mofani wa thuso, le ba amanang le yena ba tla ikobela melao ya bona ya tsamaiso e ntle.
Mokgatlo, puso ya ona, botsamaisi ba ona le baamani le ona ba dumela hore ha ba ka fumanwa ba tlola melawana ena, ba tla sebetsana le maemo ka bonngwe le ka ho lokela ho ya ka molaotheo wa mokgatlo le tse hlokahalang mabapi le boingodiso ba bona.
o tla dumela hore ebang mokgatlo o fumanwa o tlotse melawana ena ba tla sebetsana le boemo ka bong ka ho lokela ho ya ka maano le tsamaiso ya ka hare ya mokgatlo.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEFAPHA LA TOKA LE NT.txt</fn>
Rona ka hara Lefapha re inehetse ho kenya tshebetsong maano a latelang a Batho Pele ntle le tshenyo ya nako. Re tla potlakisa ho kenngwa ha ona tshebetsong ho hore re fihlelle maemo a tshebetso a amohelehang le a hodimo le boleng ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng?
Ho lokela hore ho buisanwe le baahi ka maemo le boleng ba ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba di fumantshwang mme, hohle moo ho ka kgonehang, ba fuwe kgetho ka ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona.
O hloka hore o etse bonnete ba hore Puisano e etswa kgafetsa le ka ho phethahala ho etsa hore Ofisi e boloke ditlhoko tsa ba fumantshwang ditshebeletso di kgotsofaditswe.
Baahi ba lokela ho bolellwa hore ke maemo le boleng bo bokae ba ditshebeletso tseo ba tlang ho di fumantshwa hore ba tle ba hlokomele seo ba lokelang ho se labella.
O na le boikarabelo le hona ho ikarabella ho lekgotla la ketsamelao hwa ho kenya leano la Mmuso tshebetsong, ka tsela e jwalo o hloka hore o etse bonnete ore ditshebeletso tseo o fananang ka tsona di maemong a amohelehang ho bao o fanang ka tsona ho bona.
Baahi bohle ba lokela ho fihlella ditshebeletso tseo ba nang le tokelo ho tsona.
O lokela ho hlakisa le ho hlahisa tseo o habileng ho di fihlella hore o kgone ho tswelapele ka ho eketsa phihlello ho bao mehleng ba ne ba sa di fumantshwe, mohlala batho ba sa itekanelang. O lokela ho netefatsa hore ditshita tsohle phihlellong ya tsona di a tloswa.
Baahi ba lokela ho tshwarwa ka tlhompho le tlhokomelo.
baahi ba lokela ho fuwa tsedimosetso e felletseng le e nepahetseng mabapi le ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba nang le tokelo ya ho di fumantshwa tshedimosetso ke e nngwe ya disebediswa tsa bohlokwahadi tseo ba fuwang ditshebeletso ba ka bang le tsona ha ba batla ditokelo tsa bona tsa ditshebeletso tse boemong bo botle.
Baahi ba lokela ho bolellwa hore Diofisi tsa Naha le Mabatowa di tsamaiswa jwang, di ja bokae ho di tsamaisa le hore ke mang ya nang le boikarabello ba ho di tsamaisa.
Ha se ba fumantshwang ditshebeletso ba tswang ka ntle feela ba lokelang ho ba le tshedimosetso ena empa le basebetsi ba ka hare. Tsamaiso e lokela ho tsejwa ke bohle. O lokela ho fana ka tshedimosetso ka tshebetso ya hao kgahlano le maemo a lebelletsweng a tshebetso bakeng la phano ka ditshebeletso e ntlafaditsweng, poloko ya tjhelete le hore ba ka sehlohong e se be pinyane hore ke bomang.
Ebang maemo a tshepisitsweng a ditshebeletso a sa fihlellwe, baahi ba lokela ho kotjwa tshwarelo, ho fanwe ka tlhaloso e felletseng le tokiso ya phoso e potlakileng le e phethahetseng mme ha ho na le ditletlebo tse entsweng, baahi ba lokela ho fumantshwa karabo e nang le kutlwelobohloko le e nepahetseng.
Bokgoni le maikemisetso a ho nka bohato ha dintho di sa tsamaye ka tshwanelo ke dintlha tsa bohlokwa ntweng e fihlellwang ka mekgwa e behilweng ya ho fihlella maemo. O lokela ho kgothalletsa ho tsebiswa ka tshebetso ka mora ho fana ka ditshebeletso ka hara Ofisi ya hao.
Ditsebeletso tsa setjhaba di lokela ho ntsuwa ka mokgwa o bolokang tjhelete le o phethahetseng hore ho tle ho fuwe baahi ditshebeletso tse kgabane ka ho fetisisa tse loketseng boleng ba tjhelete ya bona.
O lokela ho hlwaya dibaka tseo ho tsona ho tlang ho hlokeha ho batlwe poloko e phethahetseng le ntlafatso ya phano ka ditshebeletso e tlang ho finyellwa ka ho boloka. Tjhelete ya hao e lokela ho sebediswa ka bohlale.
<fn>sot_Article_National Language Services_LEKGOTLA LA AFRIKA BO.txt</fn>
EH: Sebedisa foromo e le nngwe bakeng la ho reretsweng ho rehwa.
Kgetho ya bobedi i Fana ka se bolelwang le puo eo lebitso le nkuweng ho yona?
Ke bakeng la eng lebitso le sisintsweng le rerilweng mohl?
Seterekeng sa Makgistrata le Provense efeng moo sebaka se leng teng?
i Ho hole ha kae le hore ke ka nqa efeng sebaka se leng haufi le yona ho tloha toropong/kantorong ya makgiseterata mohl. 15 ya dikilomitara ho ya ka bophirima ba.?
Hlalosa boemo ba sebaka ho ya ka ho bapa le ho rapalla ebang ho kgonahala. Kenya mmapa wa boholo ba A2.
Na lebitso le sisingwang la nako kgale (dilemo tse 50 kapa ho feta), le batlang le le letjha (dilemo tse 10-50), kapa le letjha (dilemo tse 5 kapa ka tlase)?
Moo ho sisinngwang phetolo ya lebitso, fana ka lebitso la pele le mabaka a phetolo ya lona.
Maemo a semmuso a motho kapa mokopi e mong mohl. botsamaisi ba borabe, boemedi ba lefapha la mmuso, Transnet, mmuso wa provense, Puso ya Selehae, khampani ya poraefete, dihlopha tse nang le kgahleho le tse ding.
<fn>sot_Article_National Language Services_LENANE LA DINYEWE.txt</fn>
<fn>sot_Article_National Language Services_LENANEO LA DIKAHARE.txt</fn>
Karolo ya 2: Dintlha tse ka sehlohong tsa Bophelo bo Botle tse lokelang ho rarollwa.
Karolo ya 4: Dibaka tsa bohlokwa moo mawa a akaretsang a ka sebediswang teng.
Karolo ya 5: Tlhokomelo le tlhahlobo ho lekanya katleho ya phethahatso ya mananeo a Bophelo bo Botle.
Bahlanka bohle ba Mafapha a Provense le a Naha a Bophelo bo Botle ka nyehelo ya bona nakong ya mosebesti wa ho ntshetsa pele tokomane ena.
Batjha kaofela ba ileng ba e ba le kabelo diwekshopong tsa diprovense mmee ba fana ka nyehelo moralong wa karolo e kgutsufaditsweng ya Tataiso ya Leano la Batjha le Bophelo bo Botle ba Batjha.
Mekgatlo eo eseng ya Mmuso kaofela boemong ba Provense le boemong ba Naha ha mmoho le Khomishene tsa Provense tsa Batjha e ileng ya fana ka nyehelo tse ileng tsa bopa tokomane ena.
Tataiso tsa leano la Bophelo bo Botle ba batjha ke moralo wa tshebetso o amohetsweng ke Mmuso ka metheo le maemo a rarollang ntshetsopele e ntle le mathata a bophelo ba batjha. Tokomane ena ke karolo e kgutsufaditsweng ya tokomane ya mantlha ya leano e entsweng ka 2001.
Tataiso tsa leano di thusa mekgatlo, mafapha a Mmuso le ba etsang diqeto ba sebetsanang le batjha hore ba fane ka tshebeletso tsa mofuta o tla kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha.
Lesedi le dintlha tsa boemo ba batjha ba Afrika Borwa.
Mehlala ya diphuputso tsa matjhaba le tsa selehae.
Kakaretso ya melao le melawana e sebetsang bophelong bo botle ba batjha le ntshetsopele ya bona.
Kakaretso ya mathata ao batjha ba tjamelaneng le ona Afrika Borwa le mekgwa ya ho sebetsana le mathata a seng a ile a tshwauwa.
Batjha ba bitswang di-adolescent ba dipakeng tsa dilemo tse 10 ho isa ho tse 19, ha batjha ba bitswang youth e le batho ba dilemo tse 15 ho isa ho tse 24 mme batjha ba bitswang young people ba dipakeng tsa dilemo tse 10 ho isa ho tse 24?
Kajeno ho na le diphephetso tse ngata tse tobileng batjha Afrika Borwa. Nako ena ya boemo ba adoloscence ke nako ya phetoho. Ena ke nako e monate le e nepahetseng ho batjha ba bang, empa ho ba bang ke nako ya pherekano, ya mathata le diphephetso?
Mathata a maikutlo; diphetoho tsa maikutlo; tsitsipano ya maikutlo le maikutlo a sibathetseng.
Bothata ba ho fetoha moimana bo hodimo haholo, mathata a mahloko a kenang ka thobalano le monyetla wa ho tshwaetswa ke HIV le AIDS o matla haholo.
Ho ithuta ho tsuba, ho nwa tahi, le ho fetoha phofu ya dithethefatsi.
Ho fumana sebaka sa ho amana le tlolo tsa molao, kapa ho fetoha phofu ya tlolo ya molao (mohlala peto, diketso tsa dikgoka).
Phephetso ya ho inehela kgatello ya ho laolwa ke dithaka tsa hao.
Mathata a Bophelo bo Botle ka lebaka la ditlwaelo tsa ho se je hantle, kgaello ya boithapollo kapa tikoloho e hlokang Bophelo bo Botle.
Tataiso tsena di entswe nakong ya mosebetsi wa dilemo tse pedi o neng o ama batjha ba tswang diprovenseng tse fapaneng. Mafapha a fapafapaneng a Mmuso, mekgatlo eo eseng ya mmuso le mekgatlo e thehilweng setjhabeng ekasitana le Khomishene tsa Naha tsa Batjha le tsa Provense le institjushene tsa thuto a ile a kenela wekshopo tsena tsa tataiso tsa leano. Mosebetsi wa ditherisano ka hoo o ile wa toboketsa bohlokwa ba seabo sa batjha boemong ba naha, ba provense le ba ditereke.
Ela hloko: Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle e lokela ho kgothaletswa.
Basebetsi ba Bophelo bo Botle le ba profeshenale ba lokela ho tadima menyetla e teng ho kgothaletsa ntshetsopele ya Bophelo bo Botle ba batjha (youth and adolecent).
Bophelo bo Botle ba Batjha ke lenaneo le hlonngweng ka pele ho tsohle. Tataiso tse Ikgethang tsa leano la batjha, di fana ka tsela eo Lenaneo la Bophelo bo Botle ba batjha le lokelang ho phethiswa ka yona.
Tshebedisano e akaretsang mahlakore a mangata ya baamehi bohle ba loketseng, e a hlokeha bakeng sa mananeo a radilweng a ntshetsopele ya batjha e le ho qoba phetapheto kapa ditshebeletso tse kgaokgaohaneng dikoto. Mohlala, Mafapha a Bophelo bo Botle, Ntshetsopele ya Setjhaba, Mosebetsi le Thuto a tla netefatsa hore sepheo sa ntshetsopele ya Bophelo bo Botle ba batjha e a fihlellwa.
Tataiso tsena tsa leano di hlahisa ditsela tse fapafapaneng tsa ho ntlafatsa mananeo a Bophelo bo Botle ba batjha. Sena se bopa moralo wa tshebetso oo Mafapha a Bophelo bo Botle a diprovense a ka sebeletsang ho ona ho rala le ho aba mehlodi e tla kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha. Tataiso tsa leano la diprovense di lokela hore di etswe hore di ananele maemo a ikgethang le a hlwauweng a Bophelo bo Botle, matla, bofokodi le menyetla ya batjha dibakeng tseo eleng tsa bona, empa sena se lokela ho sebetsa kahare ho moralo wa tshebetso wa tataiso tsa leano la Naha.
Batjha le batjha ba di adolescent ba lokela ho tseba le ho utlwisisa ditokelo tsa bona le boikarabelo. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tletleba le ho tseka hore a tshwarwe hantle?
Karolo ena e buwa ka melawana e meng e loketseng, melao le mmoka e tshireletsang ditokelo tsa Bophelo bo Botle ba batjha.
Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996: ke tshiya ya moralo wa tshebetso wa molao. Molao wa motheo ke molao o phahameng ho feta kahare ho naha. Melawana yohle e lokela hore e matahanngwe le Molao wa motheo. Ke ntlha ya bohlokwa ho amohela ditokelo tsa batho bohle ho sa natswe dilemo, lebala, botjha kapa tumelo. Ditokelo tsa mantlha di lokela ho netefatswa hore di teng le hore ho nehelanwe ka tsona. Mona ho kenyeletswa tokelo ya dijo, thuto, tshireletso ya batho le monyetla wa ho finyella tlhokomelo ya bophelo.
Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse tjhaeletseng monwanwa Seboka sa Matjhaba a Kopaneng; Afrika Borwa ka hoo, e tlameha ho inyalanya le dipallo tsa Seboka tse tsamaelanang le Bophelo bo Botle ba batjha ha mmoho le ntshetsopele.
Seboka sa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Ditokelo tsa Bana Afrika Borwa ke Lenaneo la Naha la Kgato ya Bana Afrika Borwa.
Prothokholo ya Bophelo bo Botle Ntshetsopeleng ya Ditjhaba tsa Afrika e ka Borwa.
Pampiri e Tshweu (Tokomane ya Ditherisano) mabapi le Diphetoho tsa Mokgwa wa Bophelo bo Botle ho la Afrika Borwa.
Ka ho tlabola selekane le baamehi ba bang, Mafapha a Mmuso, mekgatlo e thehilweng setjhabeng, mekgatlo ya tumelo, mekgatlo eo eseng ya mmuso, ka meralo e kopantsweng ho kgonehile hore ho hlahiswe boitlamo bo mabapi le ditokelo tsa bana.
Mmuso o na le boikarabelo ba ho ntlafatsa thuso ya tsa bongaka e hlokehang le boemo ba bophelo ba bana le ba batjha ka ho ntshetsa pele maano a tla fana ka bokgoni bo jwalo le ho theha tikoloho tse fanang ka tshehetso.
Melao e hlahiswang tataisong tsa leano la Bophelo bo Botle ba batjha e shebana le dikarolo tse fapafapaneng tsa Bophelo bo Botle le polokeho ya bana le batjha.
Molao wa Bophelo bo Botle wa 1977, Molao wa nomoro ya 78 wa 1977: Molao ona o bonela pele nehelano ya tlhokomelo ya bophelo le bo bolokehileng mahlakoreng ohle a mmuso. Bili ya Naha ya Bophelo bo Botle jwale e nkela Molao ona sebaka.
Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1983 (Molao wa Nomoro ya 74 wa 1983): Molao ona o etsa monyetla wa tumello ya tsa bongaka le ya sejeri, e etswang ke batho ba dilemo di 14 le 18 ka ho fapana.
Ela hloko: Ngwana ya dilemo di 14 a ka fana ka tumello ya ditlhoko tsa hae tsa tlhokomelo ya tsa bongaka, ntle le opereishene tsa sejeri. Le ha ho le jwalo, a ka fana ka tumello ya opereishene ya sejeri ya ngwana wa hae. Motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18 o sa ntsane a hloka mohlokomedi wa hae kapa motswadi ho fana ka tumello lebitsong la hae bakeng sa opereishene ya sejeri.
Ha ho ka ba le maemo a tshohanyetso a motho ya ka tlase ho dilemo, ho na le pallo e ikgethang bakeng sa ditaba tsa bongaka kapa tsa sejeri, haeba ho ka hlokeha.
Molao o bontsha ka ho hlaka hore ke tlolo ya molao ho rekisetsa kapa ho fana ka jwalo ho motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18. Ke tlolo ya malao hape ho hira motho ofe kapa ofe ya ka tlase ho dilemo tse 18 hore a rekise kapa a fane ka jwala.
Molao wa Kgetho ya Phediso ya Boimana wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 92 wa 1996): Molao ona o etsa monyetla wa hore basadi ba dilemo dife kapa dife ba fumane ditshebeletso tsa phediso ya boimana, haeba di hlokeha. Le ha ho le jwalo, moimana ya ka tlase ho dilemo o eletswa ho rerisana le batswadi, mohlokomedi kapa ba lelapa la habo.
Ha ho hlokehe hore basadi ba rometsweng bakeng sa Kgetho ya Phediso ya Boimana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba fuwe tumello ke mang kapa mang.
Molao wa hore motho a thuswe ho kgina pelehi wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 44 wa 1998): Ha ho motho ya thibetsweng hore a etswe hore a se kgone ho beleha (sterilization) haeba motho ya jwalo a kgona ho fana ka tumello mme ebile a le ka hodimo ho dilemo tse 18.
Haeba bophelo ba hae bo botle bo tla ba le mathata haeba ho sa etswe opereishene e jwalo.
Haeba motswadi, molekane, mohlokomedi kapa motho ya mo fang tlhokomelo a fana ka tumello ya hore ho etswe mehato e jwalo.
Haeba a na le bohloko bo matla ba kelello e sitisehileng kapa e sa sebetseng hantle, moifo wa ditsebi o fana ka tumello mme o dumela hore opereishene e jwalo e ka etswa.
Haeba ho se na mekgwa e bolokehileng ya thibelo ya pelehi ntle le tsela ena ya ho etsa hore a thibelwe hore a belehe.
Molao wa Merero ya Diskimi tsa Bongaka wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 113 wa 1998): Molao o fana ka tokelo ya ho batla phekolo ya bongaka e ikemetseng ya monga morero wa thuso ya tsa phekolo ya bongaka. Le ha ho le jwalo, monga morero wa skimi sa thuso ya tsa bongaka, ha morao o tla tseba ka phekolo ya tsa bongaka eo ho nehelanwang ka yona ho mootlwa kapa baotlwa ba hae, ha akhaonte e romelwa ho monga morero wa skimit sena hore a e tadime?
Molao wa Dikgoka tsa Malapeng wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 116 wa 1998): Molao ona o sireletsa diphofu tsa dikgoka tsa malapeng. Molli, e ka ba motho wa monna kapa wa mosadi kapa ngwana, a ka hlahlela qoso e kgahlano le motlodi wa molao. Dikgoka tsa malapeng di kenyeletsa tlhekefetso ya ho tetekwa, tlhekefetso ya thobalano, ya puo e mpe e sebediswang, tlhekefetso ya maikutlo, ya kelello le ya ditaba tsa moruo, ho kenyeletswa le ditshoso, tlhekatlheko le ho sala motho morao.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho etsa kopo ya taelo ya tshireletso ekasitana le ha motswadi a le siyo, mohlokomedi kapa motho e mong. Molao ona o qobella hore ho seke ha e ba le tshoso lapeng kapa lekgotleng.
Boikemisetso le ponelopele ya Lefapha la Bophelo bo Botle: Kahare ho Lefapha, ho na le Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha, bo arotsweng koto tse 3. Yuniti e le nngwe ho sena ke Bolaodi bo Bonyenyane ba Bophelo bo Botle ba batjha, bo ikarabellang mananeong a Bophelo bo Botle ba batjha.
Ponelepele ya Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle: Ho netefatsa hore baahi bohle ba Afrika Borwa ba kgona ho fihlella tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba boleng bo botle.
Boikemisetso: Bo akaretsa sepheo sa ho ntlafatsa boemo ba bophelo bo qatsohileng ba batho bohle, ho kenyeletswa batjha ho la Afrika Borwa. Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle (NdoH) le etseditswe ho etella pele le ho tataisa lehlakore la Bophelo bo Botle ka ntshetsopele ya Bophelo bo Botle le tlhokomelo. Hore tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e sebetse hantle, ho sebediswa katamelo ya tlhokomelo ya mantlha ha ho fanwa ka tlhokomelo.
Leano la Naha la Batjha (NYP): Leano la Naha la Batjha ke moralo wa tshebetso o ntsheditsweng pele ke Khomishene ya Naha ya Batjha bakeng sa ntshetsopele hohle ho la Afrika. Tataiso tsa leano tsa batjha di lokela ho tsamaisana le Leano la Naha la Batjha.
Basadi ba batjha.
Banna le basadi ba batjha ba hlokang mosebetsi.
Basadi le banna ba batjha ba metseng ya mahaeng.
Bomme ba batjha.
Batjha ba phelang le ho sebetsa diterateng.
Banna le basadi ba batjha ba nang le HIV le AIDS.
Basadi ba batjha le banna ba tjamelaneng le bothata ba mabaka a moruo le phedisano kapa ba boitshwaro bo ka nnang ba fana ka mathata.
Mohato wa Naha wa Batjha wa Bophelo bo Botle.
Lenaneo la Thuso ya Batjha ba Afrika Borwa.
Batjha ba fetohang baimana le taba ya ho kena sekolo.
Metheo ya tataiso e lokela hore e be yona tshimoloho ya mananeo a ntshetsopele a tlisang tharollo e akaretsang ebile a sa kgetholle. Mawa a tharollo a lokela hore a ntshetswe pele ho fokotsa diphephetso tseo batjha ba tjamelaneng le tsona. Ho na le tataiso tse tsheletseng tse lokelang ho nkelwa hlohong tse lebisang bophelong bo botle ba batjha.
Ntshetsopele ya batjha e lokela ho thehwa thibelong ya mathata a bophelo: Batjha ba lokela ho fuwa tshwaro e akaretsang; bokgoni ba bona bo nepahetseng le boitshwaro ke dintho tse lokelang hore di kgothaletswe, mme ho toboketswe tsela ya bona ya bophelo ka kakaretso.
Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle le thibelo ya mahloko ke ntho tse lokelang ho kgothaletsa tswelopele ya Bophelo bo Botle ba batjha. Ho tshwanetse hore ho qalwe mananeo a Bophelo bo Botle ho rarolla mathata a bophelo pele a qala kapa a senya Bophelo bo Botle ba batjha.
Nako ya boemo ba kgolo ba adolescence batjheng ke nako e fanang ka monyetla le tshepo, ke taba ya bohlokwa ho kgothaletsa ntshetsopele e nepahetseng ya botho ba motjha. Maikutlo a seke a tsepamiswa feela ditabeng tsa Bophelo bo Botle, empa a thehwe hodima dikarolo kaofela tsa bophelo ba motho e motjha. Mona ho kenyeletswa setjhaba, dikamano, boithapollo, sekolo, mosebetsi, tlolo tsa molao, le maemo a bofutsana. Batjha ba lokela ho hodiswa ka mokgwa o motle mme ho seke ha tadingwa feela mathata ao mohlomong ba thulanang le ona?
Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle (NdoH) le na le dilekane le mekgatlo eo eseng ya mmuso le mekgatlo e thehilweng setjhabeng e fapafapaneng ka morero wa ho rarolla ditlhoko tsa Bophelo bo Botle tsa batjha.
Mohlala, mananeo a mahlale a bophediso a bophelo a bopang bokgoni ba batjha ho ba thusa ho ba le boitshepo le ho ba le bokgoni ba ho kena ka tsela e nang le moelelo tikolohong tse bolokehileng le tse nang le tshehetso tse kgothaletsang dikamano tse nepahetseng tsa batjha le batho ba baholo.
Mathata a batjha a Bophelo bo Botle a atisa ho iketsa senkgome, boitshwaro bo le bong bo nang le mathata bo baka bo bong bo etsang mathata le bona. Boitshwaro bo fapaneng bo na le disosa tse tshwanang tse hohelang boitshwaro bo bong bo nang le mathata hape.
Boitshwaro bo ka tlisang mathata ke bo jwang Ke ketso e nkuwang ntle le hore motjha a amohele boikarabelo, mme bo tswala ditholwana tse babang bophelong bo botle ba motjha ya jwalo?
Bekeng e nngwe le e nngwe ho tlalehwa diketsahalo tsa boitshwaro bo fupereng mathata dikoranteng tsa selehae, mohlala, tshebediso ya dithethefatsi, diketsahalo tsa dikgoka bathong ba batjha. Ho hloka thabo le ho hloka ntho eo o ka e etsang ke dintho tse ka kgannelang tshebedisong ya dithethefatsi ka morero wa ho qoba ho tshwarwa ke bodutu. Tlhokeho ya tjhelete ya ho reka dithethefatsi e ka etsa hore batjha ba wele molekong wa boitshwaro ba tlolo ya molao. Basadi ba batjha ba kenang thobalanong ntle le tshireletso hore ba fumane tjhelete ka lebaka la bofutsana, ba ka fetoha baimana kapa ba iphumana ba na le tshwaetso tsa mahloko a thobalano kapa tshwaetso ya HIV.
Botjha bo boetse bo mabela hobane ke nakong ena moo ba batlang ho tseba dintho tse fapaneng. Batjha ba batla boikemelo le ho ithuta lefatshe. Batho ba bangata ba batjha ba tla leka dithethefatsi, thobalano, tahi le ho tsuba sakarete (kwae); ka dinako tse ding lebaka ke hobane ba thabile haholo kapa ba na le kgatello ya dithaka tsa bona. Batjha ba pepesehile haholo hoo ba sitwang ho nahana kamehla ka ditholwana kapa hoo ba sitwang ho lemoha dikotsi tse fuperweng ke diketso tseo.
Batjha ba hloka tataiso ka tsela e nepahetseng, ba lokela hore ba kgothaletswe ho phela hantle ka ho ba kena dipapading tsa boikgathollo le mananeong a mang a ntshetsopele. Ha motjha a hloka seo a ka itlosang boduto ka sona le kgaello ya boikgathollo ke tsona ntho tse atisang ho ba etsa hore ba be le boitshwaro bo ka nnang ba ba tlisetsa mathata bo tshwanang le ba ho tlola molao, thobalano e hlokang tshireletso, ho nwa le ntho tse ding tse jwalo.
Botjha le boemo ba adolescence?
Ke nako eo motjha le batjha ba boemongba kgolo adolescents ba holang mmeleng, bothong ba bona le maikutlong. Mmele ya bona e se e loketse ho ka beleha bana. Ba kgona ho theha dikamano kantle ho dikamano tsa bona le ba lelapa. Ba iketsetsa diqeto tseo eleng tsa bona le dikgetho tse tla bopa bokamoso ba bona?
Batho ba bang ba ileng ba qala ho tsuba ba sa ntsane ba le dilemong tse tlase ba qetella ba tshwerwe ke khensa ya matshwafo hamorao bophelong ba bona. Mafu a tlang pele ho nako ka dinako tse ding a bakwa ke boitsharo bo hlokang boikarabelo.
Mohlala: Batjha ba ipolaisang tahi haholo ba atisa ho lesa sekolo, ba hloka mosebetsi mme ba qetella e le matahwa a mahlena.
Batjha ba inyalanya le tikoloho ya bona ya bophelo. Tikoloho eo ba leng ho yona e bopa menahano ya bona le boitshwaro ba bona. Mmino, moaparo, tsela ya bophelo ke dintho tseo ba di bonang le ho thulana le tsona hobane di ba potapotile.
Batho bao ba amanang le bona ba bopa boitshwaro ba bona.
Batjha ba kajeno le batjha ba dilomong tsa kgolo adolescent ba sutumetswa ke diphetoho tse potlakileng tsa tikoloho ya bophelo le botjhaba. Nako ena ya phetoho le yona e ba beha boemong ba thulano e kgolo moo makgabane a mehleng ya kgale a felang. Botjhaba ba hona jwale ba batjha le se neng se etsahala qalehong ya dilemo tsa bo 1970 ha bo tshwane ka lebaka la pepeseho le tshwaetso ya mekgwa ya phepelo ya ditaba e mengata. Haeba batjha ba le ditjhabeng tseo ho tsona makgabane a phedisano a sa nkellweng hlohong, ba hola jwalo mme e be batho ba baholo ba sa natseng makgabane a bophelo bo nepahetseng?
Mohlala: maqulwana a dinokwane (gangsterism) ditjhabeng tse ding ke ntho e atileng haholo hobane batjha dibakeng tseo ba nahana hore ke tsela ya bophelo.
Ho na le ditlhoko tse ikgethang bakeng sa dihlotshwana tse fapafapaneng; ka hoo ho hlokeha ditharollo tse ikgethang ho rarolla mathata a bona a Bophelo bo Botle.
Batjha ba nang le phephetso mmeleng le kapa kelellong ba ntse ba tjamelane le mathata a tshwanang le ana ho sa natswe kgolofalo ya bona. Ba tjamelane le taba ya ho tehelwa ka thoko le ho se kenyeletswe dinthong tse etswang ke setjhaba. Kgolofalo di bakwa ke diketso tsa dikgoka, tsela tsa bophelo bo seng botle, ntwa, bofutsana, mathata a meriana, mabaka a tikoloho, ha mmoho le kgolofalo tse bakwang ke lefutso.
Batjha ba holofetseng ba thulana le ditlwaelo tsa sekgalekgale, boinyatso le ho jariswa sekgobo. Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e sa phethahalang e feteletsa boemo ba ho kula kapa ba kgolofalo. Boholo ba nako batho bana ba holofetseng ba siuwa ba le bang, ha ba na tlhokomelo e ntle mme ba pepeseha hape tlhekefetsong le tshwarong e bohlaswa. Ba dula ba hloka malapa bophelo ba bona bohle, ka mabaka a fapafapaneng, mohlala, bofutsana, tlhekefetso le diketso tsa dikgoka.
Batjha bana ba hloka dijo, sebaka sa bodulo le thuto, kapa menyetla ya ho itlhatswa hantle le dibaka tsa boithusetso.
eleng bajaki bao eseng ba molao dikgutsana batjha ba hlokang balekane ebile e le bomme.
Hlekefeditsweng: thobalanong, mmeleng, le maikutlong.
Dihlola tsa hwebang.
Bana ba entsweng basebetsi.
Batjha ba phelang ba e na le AIDS: Tlhokeho ya tikoloho e loketseng, bodulo bo loketseng le phepo. Ke ntho ya bohlokwa haholo hore ho be le phekolo e tliswang ka nako ya ditshwaetso tse atisang ho ba teng. Tshehetso le tlhokomelo. Ho robalana ka mokgwa o bolokehileng.
Dihlopha tse ding tse nang le monyetla wa ho fumana mathata ke tse phelang bodulong bo kopanetsweng, batjha ba tlolang molao, bajaki bao eseng ba molao, dikgutsana, ba hlekefeditsweng, bana ba lahluweng, bomme ba hlokang balekane, dihlola tse hwebang le batjha ba phelang ba e na le AIDS. Dihlopha tsena tse nyenyane kaofela tsa batjha di dula di le tlokotsing ebile di le mohaung wa batho ba sa holofalang. Bana ba tswang malapeng a futsanehileng haholo ba tlokotsing ena le bona. Hangata ba dula ba le mohaung wa bao ba nang le hona.
Batjha ba welang dihlopheng tsena ba dula ba tehelwa ka thoko ho ya pele ha menyetla e hlaha. Boholo ba nako batjha ba holofetseng ha ba kgone ho sebedisa ditshebeletso le menyetla eo batho ba bang ba kgonang ho e fihlella.
Mathata a bong: Bong bo abelwa batho ho latela boemo ba hore ke banna kapa basadi. Ho na le ditlwaelo tsa hore banna kapa basadi ba lokela ho etsa mesebetsi e itseng feela. Setjhaba se laolwang ke banna se nyenyefatsa basadi. Ditlwaelo tsa setjhaba tsa hore basadi ba boemong bo ka tlase ho boemo ba banna, phedisanong, le ho latela ditsela tsa sekgalekgale le botjhaba.
Banana ba batjha hangata ba hanelwa ka menyetla e tshwanang le ya thuto; ba ka nna ba e ba le boikarabalo bo bongata ba lelapa ho feta ba bashanyana. Kgaello ya mehlodi ya moruo le ya matlafatso ya basadi e ka kgannela basadi tlhekefetsong ya thobalano le tshebediso e fosahetseng. Ho feta mona, banana ba tlangwa ho kena thobalanong, mme hamorao ke ngwananyana enwa ya lokelang ho jara boikarabelo bo boholo ba boimana a sa ntsane a le motjha. Ditokelo tsa thobalano le tsona ke tsa bohlokwa, ho dumella banana tokelo ya ho kena puisanong tsa tshebediso ya khondomo. Kgatello ya bothaka e kgannela boitshwarong bo ka tlisang mathata a tshwanang le ho kena mokgoping wa dihlopha, tshebediso ya dithethefatsi le ditlolo tsa molao.
Ditebello tsa setjhaba di kgothaletsa dikamano tsa balekane ba bangata ho bontsha bonna. Ho boetse ho na le ditlwaelo tsa botjhaba tse amanang le bong ka ho ikgetha le tse kgethollang le ho nyenyefatsa batho. Ke taba ya bohlokwa hore mananeo le batho ba etsang maano ba kgothaletse ditjhaba hore di lahle ditlwaelo tsa botjhaba tse kotsi mme ba boloke ditlwaelo tsa bohlokwa le tse bolokehileng tsa botjhaba. Mananeo a Bophelo bo Botle ba Batjha a lokela ho matlafatsa banana hore ba kgone ho itshepa le ho sebetsana le mathata a amanang le bophelo ba bona bo botle ba thobalano le ho beleha.
Mohlala mona ke hore basadi ba lokela ho fuwa tshwaro e nang le seriti le e ba hlomphang, mme dineo le bokgoni ba bona di amohelwe.
Tse lokelang ho behwa ka pele bophelong bo botle ke dintho tse lokelang hore di rarollwe ka tsela e kopantsweng le e batsi. Ho na le mathata a mangata a Bophelo bo Botle, a ka bang le tshwaetso bathong ba dilemo kaofela. Ho feta mona, ho na le mathata a itseng a Bophelo bo Botle, a amang batho ba dihlopheng tsa dilemo tse ding ho feta ba bang, batho ba baholo ba tshwarwa ke mahloko a kang arthiritis; ha batho ba dilemong tse mahareng kapa ho feta moo ba kgathatswa ke mokokotlo ho feta. Ka mokgwa o tshwanang, ho na le mathata a tshwaetsang batjha ho feta. Ho hlokometswe dibaka tse robedi e le tsona tse lokelang ho behellwa ka pele bophelong bo botle ba batjha. Moralo wa tshebetso wa leano o na le karolo, e sebetsanang le mawa a tharollo. (Tadima leqephe la 32). Mathata a tsepamisitswe, mme tokomane e bontsha hore ho tlile jwang le hore ke hobaneng ha dibaka tsena e le tsa bohlokwa tseo maikutlo a lokelang hore a tsepamiswe ho tsona ntlheng ya batjha?
Dikarolo tsena tse lokelang ho behellwe ka pelepele tsa Bophelo bo Botle di a ikgetha diprovenseng tse fapaneng ka hoo di hloka tharollo e ikgethang ya provense.
Dipatlisiso di hlahisa hore bashanyana ba bangata le banana ba ile ba qala tsa thobalano bohareng ba botjha ba bona. Batjha ba bangata ba thulana le ditaba tsa thobalano ka ho hahatlellwa hore ba etse jwalo. Banana ba bang ba ileng ba kena thobalanong ba sa le banyenyane ba ile ba hahatlellwa ho etsa jwalo ke bashanyana kapa ka tsela e nngwe. Banana ba bang ba banyenyane ba qobellwa ke maemo a bofutsana hore ba fumane tjhelete ka phapanyetsano ya thobalano.
Phediso ya boimana.
Ditshwaetso tse tlang ka mokgwa wa thobalano, ho kenyeletswa le tshwaetso ya HIV.
Ke taba ya bohlokwa hore ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle di fane ka thuso ditlhokong tsa Bophelo bo Botle ba batjha. Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle tse fapaneng di kentswe tshebetsong ho netefatsa hore ditshebeletso di a fumaneha le hore di a fihleleha bakeng sa tshusumetso ya kgaello ya tsebo ditabeng tsa Bophelo bo Botle ba thobalano le peleho (SRH) ka morero wa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batjha.
Leano le kenyeletsa lesedi la tswelopele ho tsa thobalano, ditaba tsa bong, boikgethelo ba thibelo ya pelehi, tshebeletso tsa phediso ya boimana, boimana ba batjha le mathata a tsamaisanang le boikarabelo boo. Ho toboketswa ka tsela e ikgethileng thibelo ya HIV le tshwaetso tse tlang ka tsela ya thobalano, ho diehisa taba ya ho kena thobalanong ka sepeo sa ho fokotsa mahloko a tlang ka tsela ya thobalano, tshwaetso ya HIV le boimana ba batjha dipakeng tsa batjha ba dilemo di 14 ho isa ho tse 24. Tsebo, boitshwaro le tjhadimo tsa batjha di tlisa tshwaetso e itseng mokgweng oo ba bonang tshusumetso ya kgaello ya tsebo ditabeng tsa Bophelo bo Botle ba thobalano le peleho (SRH).
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle ha di na mehlodi e phethahetseng e ka hlokomelang mathata a Bophelo bo Botle ba kelello bathong ba batjha.
Bophelo bo Botle ba kelello ke bo bong ba mathata a Bophelo bo Botle a behilweng ka sehlohlolong ho feta bathong ba batjha.
Mathata a Bophelo bo Botle ba kello bathong ba batjha a bakwa ke mabaka a fapafapaneng, mohlala mona, ke bofuma bona bo aparetseng bohle le mathata a tshitiseho ya lelapa. Tshithabelo ya maikutlo le batjha ba ipolayang ke mathata a kelello maholo bophelong, mme ke a bobedi a hodimo haholo a bakang lefu la batjha ka morao ho dikotsi.
Dintlha tse ding tse ka bakelang batjha mathata a hore kelello tsa bona di seke tsa tsitsa hantle a rarollwa tataisong tsa leano. Le ha ho le jwalo, ditlhoko tsa Bophelo bo Botle kelellong tsa batjha di lokela hore di rarollwe ho fokotsa tshusumetso e mpe ya bohloko ba kelello boemong ba phedisano le moruo le bophelong bo botle ba batho batjha.
Boemong ba setereke batjha ba na le ditshebeletso tse haellang haholo tsa Bophelo bo Botle bakeng sa kelello. Ke diprovense tse tsheletseng feela tse nang le ditshebeletso tsa tshehetso, mme batho ba bangata haholo ba batjha ha ba kgone ho finyella ditshebeletsong tsena, haholo dibakeng tsa mahaeng le dibakeng tse behileng ka mosing.
Ka lebaka la kgaello ya mekgatlo ya boemedi eo o ka fetisetswang ho yona, ditshebeletso tsa bopelo bo botle bakeng sa kelello di kgaotswe dikotokoto, mme tsebo e teng ke e shaitsang haholo ho ka sebetsana le ditaba tsa Bophelo bo Botle ba kelello boemong ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba mantlha.
Katleho e fokolang ya thuto kapa ho tswa sekolong.
Tshitiso tsa malapa.
Haeba mathata ana a sa phekolwa hantle bathong ba batjha, mathata ana a ja setsi boholong.
Mathata a maholo a moruo (lapeng le setjhabeng).
Ha ho buuwa ka diketso tsena di bitswa hore ke kotsi tsa ka boomo. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore diketso tsa dikgoka ke ntho tse etsahalang haholo bophelong ba batho ba bangata ba batjha ba Afrika Borwa.
Ketso tsa dikgoka ke tsona tse bakang ditlokotsi le mafu a batjha. Batjha ba batona ba pepesehile bothateng ba dikgoka tsa mmele ha batjha ba batshehadi bona ba pepesehile ho tlhekefetso tsa thobalano.
Teteko kapa ditlhaselo ke sesosa se seholo sa lefu la batjha ba batho ba batsho le ba makhalatha ba dipakeng tsa 15 le 19. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore batjha ba pepeseha haholo diketsong tsa dikgoka.
Mabaka a amanang le phofu a kenyeletsa dilemo tsa kgolo, bong, matla a mmele, boinyatso, kgatello ya bothaka, mahlale a fokolang a ho buisana, tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi le kgaello ya tsebo.
Mabaka a amanang le moemedi a kenyeletsa ho fumaneha ha bonolo ha dibetsa tse kang dithipa le dithunya.
Mabaka a tikoloho a kenyeletsa ho se dumellane ka ditaba tsa dipolotiki, diqabang le tlhokeho ya botsitso; kgethollo ya bong le ya bomorabe; ditaba; sepolesa se sa lekanang kapa se sa sebetseng hantle; kgaello ya taolo ya dihlomo, maemo a setjhaba a sa jeseng ditheohelang a tswanang le tlhokeho ya mosebetsi, basebetsi ba bajaki le ntwa.
Dikgoka le ditlolo tsa molao tse pepesang dikgoka di na le tshusumetso bophelong bo botle ba mmele le kelello tsa batjha.
Diketso tsa dikgoka di tswala dikgoka Di ka qala bothata bo sa feleng ba dikgoka setjhabeng kapa malapeng dipakeng tsa dihlopha (mohlala, dikgoka tsa mokgopi wa sehlopha sa batjha), kapa ho tloha molokong o mong ho isa ho o hlahlamang?
Diphofu tsa dikgoka hangata di ba le bothata ba tshabo ka morao. Ntho ena e bitswa bothata ba ho sithabela ha maikutlo bo bang teng ka lebaka la tshabo e matla, ho makala, ho iphumana o hloka matla, tshabo e etsahalang ditorong le ho hloka botsitso ha mmoho le ho sitiseha borokong, ekasitana le ho inyatsa.
Sena ke se seng sa disosa tse kgolo tsa lefu le tlokotsi hara batjha naheng ena ka bophara.
Dikotsi tsa mebileng ke sesosa se seholo sa mafu a batjha ba dipakeng tsa 10 le 14 mona Afrika Borwa.
Mehlala e meng e matla haholo; tjhefu, ho tjha le mathata a lebollo.
Mona ho bolelwa dithethefatsi, tshebediso e fosahetseng ya tahi, ho tsuba le tshwaetso tsa teng. Tshebediso ya dithethefatsi (illicit drugs) eleng cannabis, mandrax le cocaine ke ntho tse eketsehang ka lebaka la pepeseho ya Afrika Borwa tabeng ya tsamaiso ya dithethefatsi matjhabeng.
Batjha ba pepesehile hore ba tshwaswe ke tshwaetso e fosahetseng ya tshebediso ya dithethefatsi. Ba na le bothata ba boitshwaro ba hoba makgoba a dintho tsena hamorao bophelong ba bona. Dithethefatsi tse bobebe tse jwalo ka cannabis di ka etsa hore motho a qetelle a sebedisa tse thata, tse fetolang batho makgoba ho feta. Batjha ba atisa ho sebedisa tahi le kwae hampe.
Palo ya tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi e hodimo ho feta batjheng ba batona mme e phahama le dilemo kapa kgato tsa sekolo.
Ka kakaretso sena se bonahala haholo boholong.
Na le mamello e fokolang ho feta ka lebaka la mmele o monyenyane.
Na le kgaello ya boitsebelo ba tshwaetso ya dithethefatsi.
Pepesehile tshwaetsong ya mahloko a tlang ka lebaka la thobalano le HIV.
Kotsing ya lefu ka lebaka la dikotsi tsa mebileng le ditlhaselo.
Fetisa meedi ya tekano ya tshebediso ya dithethefatsi, ho batla ho ipolaya le ho sebetsa hampe sekolong kapa ho tswa sekolong.
Kena tshebetsong ya ho hasanya dithethefatsi.
Pepesehela tshwaetso ya HIV ka lebaka la tshebediso ya nale e ileng ya sebediswa?
Susumetseha hore ba tsube, ba sebedise tahi ka mokgwa o fosahetseng ka nako e telele, le ho ho hloka bokgoni ba ho tshwarella mosebetsing, tshebediso ya dikgoka, jwalo jwalo.
Kena thobalanong e tshehetsang ditlwaelo tsa bokgoba ba dithethefatsi.
Phepo e fosahetseng e ile ya fuputswa haholo mme e phahame haholo baneng ba Afrika Borwa. Ha se dipatlisiso tse ngata tse ileng tsa etswa ho batjha. Phepo e fosahetseng e na le nyehelo bophelong bo seng botle le mafung ho feta lebaka lefe kapa lefe le leng. Bana ba sa fepehang hantle, ba haellwang ke dijo tsa phepo tse fapafapaneng, ka tlwaelo ha ba hole hantle. Phepo e fosahetseng e na le mathata a itseng kgolong ya batjha. Sena se etsahala ka lebaka la bofutsana, kgaello ya dijo tse ntjha tse nang le Bophelo bo Botle. Ha o ja tswekere e ngata, dijo tse sitsweng haholo, mafura a mangata le dijo tse sa nepahalang, o tla ba le phepo e fosahetseng.
Ho ja ho jwalo ho ka etsa hore o none le hore ha morao ha ngwana a hola a tshwarwe ke mahloko a sa foleng ka lebaka la tsela ya bophelo, mohlala, lefu la pelo, lefu la tswekere le mahloko a mang a amanang le pelo le methapo e tsamaisang madi.
Kgaello ya tshepe le foliate mmeleng ke bothata bo tlwaelehileng bathong ba batjha dihlopheng tsa merabe kaofela ho la Afrika Borwa.
Phepo e fosahetseng le kgaello ya disele tse kgubedu mading (anaemia) di tlisa bothata nakong ya boimana le mafu nakong ya ho pepa.
Kgaello ya disele tse kgubedu mading e amana le boima bo tlase nakong eo lesea le belehwang ka yona le ho baka hore lesea le belehwa pele ho nako ya lona bathong ba batjha.
Kgolo e sitisehileng.
Mahloko a tsela ya bophelo: Lefu la pelo, lefu la tswekere le mahloko a amanang le pelo ha mmoho le methapo e tsamaisang madi.
Mahloko a bang teng nakong ya boimana.
Maemo a tlwaelehileng ke bosofe le tshwaetso ya bophelo le kelello, tshebediso e kotsi ya tahi le thuto bananeng ba batjha. Ho akanywa hore motho a le mong ho ba 40 ba tswalwa ba na le kgolofalo e itseng, mme kgolofalong tse leshome ho tsona kgolofalo e le nngwe e amana le dijini.
Kgaello ya keletso ka dijini le tlhokomelo e hlokehang pele lesea le belehwa e ka thusang thibelong; kgaello ya thuto mabapi le ho kgona ho phela ka mathata a itseng a dijini.
Ho beleswa ho phaellang ho mohlokomedi; kgaello ya tshebeletso tsa thekolohelo kapa tsa phedisano di tswela pele ho kgothaletsa sedikadikwe sa bofuma ho tswela pele.
Bosofe bo ka ba le tshusumetso hore motjha a kgone ho tswakana le dithaka tsa hae.
Ho latela dikganano tse matla tse ngata tse bang teng ka lebaka la kgolofalo e teng.
Matshwao a tswelang pele a ka nna a kgathatsana le le tswelopele ya motho e motjha.
Down Syndrome le mathata a tsamaelanang le yona e ka nna ya tlisa tshusumetso ya hore motjha a kgone ho tswakana le batho ba bang ba phelang le yena?
Kgolofalo tsa masapo a mokokotlo (neural tube defects) le bohloko ba tshenyeho ya mesifa (mascular dystrophy) ke dintho tse ka etsang hore motho a sitwe ho tsamaya; dihlahala le madi a sa kgoneng ho iketsa mahlwele ke ntho tse ka sitisang mesebetsi ya mmele.
Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano Afrika Borwa mona e a fokola.
Mabaka a qosang tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano a kenyeletsa kgaello ya metsi a fluoridated water, kgaello ya tsebo le temoso ya bohlokwa ba tlhokomelo e ntle ya lehano, ditshebeletso tse sa fihleleheng kapa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e sa kgoneheng, ha mmoho le ditshebeletso tsa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano tse sa jalehang ka ho lekaneng, ho hloleha ho kopanya mananeo a tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano hore e be karolo ya tlhokomelo ya mantlha ya Bophelo bo Botle, kgaello ya mehlodi dibakeng tsa mahaeng?
Mahloko a lehano (dental caries) a tlwaehile ho baahi bohle ba Afrika Borwa. A bakwa ke ditlhoko tse sa kgotsofatswang tsa kalafo bathong ba Batsho le Makhalatha ka lebaka la ditshebeletso tse sa fihleleheng kapa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e sa kgoneheng, ha mmoho le ditshebeletso tsa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano tse sa jalehang ka ho lekaneng.
Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e fokolang e tlisa ho opelwa, ho haella ke ho ja eleng ntho e ka bakang phepo e fokolang le sekgobo seo o se jariswang ke batho bao o phedisanang le bona ka lebaka la moya o nkgang hampe le tjhebahalo e mpe.
Dintlha tse lokelang ho nkelwa hlohong ho feta.
Nomoro ya bao o ka ikopanyang le bona.
Karolo ena e kenyeletsa mehato e laeletswang, eo mekgatlo le batho ba ka e nkang ho sebetsana le mathata a hlahisitsweng lenaneong ka hodimo.
Mawa a lokela hore a nkelle hlohong dihlotswana tse nyenyane kaofela. Dihlotswana tse nyenyane tse ileng tsa tehelwa ka thoko mme tsa hloka ho nkellwa hlohong di lokela hore di behellwe ka pelepele ha ho phethahatswa menaneo ana a Bophelo bo Botle. Ba etsang maano le bahokanyi ba lenaneo ba lokela hore buelle ka matla batjha ba maemong a ikgethang.
Batjha ba na le dikamano le malapa, batho ba bang ba baholo kantle le ho ba malapa a bona le metswalle ya bona. Hape ke ntlha e amanang le ho theha sebaka se bolokehileng moo batjha ba ka ithapollang teng. Ditabatabelo tsa setjhaba le ditlwaelo tsa botjhaba di na le tshusumetso e otlolohileng bophelong bo botle ba batjha. Boraditaba ka kakaretso le bona ba na le seabo sa bohlokwa haholo hore ba ka phatlalatsa lesedi lena le hlokolosi. Ke ntho ya bohlokwa hore setjhabeng menyetla le mehlodi e teng e finyellwe ke bohle.
Ho fumaneha ho bonolo le ho hasanngwa ha dikhondomo.
Mokgwa wa ho finyella tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e kgonehang le ya boleng dibakeng tsa Bophelo bo Botle tse buletsweng setjhaba sohle.
Ho fumaneha ha menyetla e anetseng ya dipapadi le boithapollo bakeng sa setjhaba.
Phethahatso ya maano ho kenyeleditswe le molao o amanang le Bophelo bo Botle ba batjha.
Ho fana ka tsebo ka tsehebediso ya thuto ya Bophelo bo Botle kapa matsholo a temoso a mabapi le ditaba tsa kgothaletso ya ntshetsopele ya batjha, ke taba e ka tlisang thuso.
Ho fumana lesedi le loketseng ho thusa motho hore a etse kgetho e bontshang kutlwisiso le ho fihlela diqeto tse nepahetseng. Dibaka tsa Bophelo bo Botle di lokela hore di be boemong ba ho fana ka tsebo bathong ba batjha nakong eo ba e hlokang ka yona. Ho tshwanetse hore ho be le thepa e fanang ka tsebo, ya kgokahano le ya thuto (IEC) ka dibopeho tsohle hore batjha ba kgone ho di lekola ha ho hlokeha.
Ditlhoko tse amanang le bong le ditebello tsa bong.
O ka itshireletsa jwang nakong eo o hlaselwang ka yona.
Dibaka tse ikgethang tsa Bophelo bo Botle tse tshwanang le tsa Bophelo bo Botle mabapi le ditaba tsa thobalano le peleho, ha mmoho le ditokelo le boikarabelo.
Ditsela tsa bophelo tsa Bophelo bo Botle le ntshetsopele ya batjha. Menyetla le ditshebeletso tse teng tse amanang le Bophelo bo Botle le lesedi ka kakaretso.
Mahlale a boiphediso bophelong a bolela ditsela tsa ho kgona ho phela ka tsela e nepahetseng tse etsang hore motho a tsebe ho thulana le mathata a letsatsi le leng le leng bophelong.
Mona ho kenyeletswa mokgwa wa ho etsa qeto, ho rarolla bothata le puisano e matla e sebetsang.
Kaho ya mahlale a boiphediso ke e nngwe ya dithuto tse robedi mananeong a thuto ya sekolong.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso le yona e amana le ho hlahlella batjha ka tsebo le bokgoni hore ba fumane matla a ho ba batho ba kgonang ho ikemela.
Ho tshehetsa baeletsi ba se nang mangolo ho a hlokeha ho ba thusa hore ba kgone ho tswela pele ka mosebetsi.
Baeletsi bao eleng dithaka le batjha le bona ke ba bohlokwa hobane ba kgona ho buisana le dithaka tsa bona ka tsela e atlehileng ho feta.
Keletso e lokela hore e tsepamise maikutlo ho dintho tse pedi eleng bothata ka bo bona le ka moo ho ka sebetsanwang le maemo a jwalo nakong e tlang.
Keletso e a hlokeha ho thusa batho ho sebetsana le maemo a ho ameha maikutlong haholo. Setjhaba se ka sebedisa ditshebeletso tse teng tseo ho fanwang ka tsona bakeng sa tshehetso ya ho thoba maikutlo nakong ya maemo a tshohanyetso, tse tshwanang le ho sebedisa baholo ba kereke, basebetsi ba thekolohelo le baeletsi ba rupeletsweng ba hlokang mangolo.
Tshebeletso di ka fihlelwa ka ho fana ka keletso le lesedi, ho boloka tjhadimo e nepahetseng e le hore batjha ba ikutlwe ba lokolohile ho ka sebedisa ditshebeletso tsena.
Ho sebetsa le mahlakore a mang ho ntlafatsa boleng ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle dibakeng tsa Bophelo bo Botle tse buletsweng bohle bakeng sa batjha.
Ho fana ka tshebeletso tse ikgethang tse etseditsweng batjha kantle ho dibaka tsa Bophelo bo Botle.
Ka ho rupela le ho etsa hore basebetsi ba Bophelo bo Botle ba alafe batjha ka seriti le tlhompho.
Moifo wa basebetsi ba rupetsweng o keke wa qobella ditabatabelo tsa wona ho batjha, empa o tla ba dumella sebaka sa ho buwa jwalo ka batho ba baholo.
Karolo ena e totobatsa dibaka tsa bohlokwa moo mekgwa ya ho rarolla mathata a batjha e ka etsahalang teng, le moo batjha ba ka fumanwang teng. Ke taba ya bohlokwa ho rarolla mathata a Bophelo bo Botle a batjha ho latela tlhoko le boemo boo ba iphumanang ba le ho bona.
Ditsela tsa tharollo di ka sebetsa ka katleho haeba di rarolla bothata ba Bophelo bo Botle ba batjha ka hohle.
Tseba ka meralo e hopoletsweng ho ntlafatsa tshebediso ya ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle.
Thuswa ho netefatsa hore ba tseba seo ba se etsang le hore ba se etsa jwang, mohlala, mererong ya diprojekte tse amanang le batjha.
Ikutlwa e ka ke balekane ha ba kene mesebetsing e amanang le bophelo ba bona.
Sena ke sebaka se loketseng ho feta, moo dikamano tsa batho le kgokahano e simollang teng.
Lapeng ke ntlheng ya pele ya moo batho ba phedisanang teng.
Batswadi ba hloka ho hlomela ka tsebo le mahlale a ho buisana le batjha ba bona ka bophelo le Bophelo bo Botle ba bona.
Kgokahano e ntle ho ba lelapa ke ya bohlokwa haholo.
Mekgatlo e lokela ho thusa ka ho nehelana ka dithuto tsa botswadi bo atlehileng setjhabeng.
Batho ba baholo le batswadi ba hloka ho kgothaletswa ho ya dithutong tsena.
Sebakeng sa sekolo ho na le monyetla wa ho finyella palo e kgolo ya batjha.
Batjha ba qeta nako ya bona e ngata sekolong.
Ho fapana le dibakeng tsa Bophelo bo Botle, ho na le monyetla wa ho fana ka dithuto bathong ba batjha kgafetsa.
Thuto ya dithaka ka dithaka ke ya bohlokwa hobane e fana ka sebaka ho batjha ho ruta batho ba bang ba batjha sekolong le kantle ho sekolo.
Barupedi bao eleng dithaka ke batjha ba rupetsweng mme ba fuwa mahlale a boiphediso a bophelo mme ba lebeletswe hore ba fetisetse tsebo eo ho batho ba bang ba batjha.
Barupedi bao eleng dithaka ba thaothwa jwalo ka baithaopi, ho fihlelwa batjha ba bangata nakong eo ho rutwang mahlale a boiphediso a bophelo dikolong.
Dibaka tse buletsweng setjhaba kaofela tse nehelanang ka menyetla ya thuso ya Bophelo bo Botle di lokela hore di etswe hore di fumanehe le ho fihlelwa ha bonolo ke batjha.
Basebetsi ba tsa Bophelo bo Botle ba lokela ho rupellwa ho kgona ho sebedisana le batjha ka tsela ya setswalle, ho ba thusa ho nehelana ka tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ka mokgwa o sa diheng kahlolo.
Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle la ka selekane sa bona le NAFCI le tshwarahane le mosebetsi wa ho kena matsapeng a Letsholo la Tliliniki e nang le Setswalle Bathong ba batjha (Adolescent Friendly Clinic Initiative) dibakeng tse buletsweng bohle tsa Bophelo bo Botle hore di amohelehe le ho fihleleha ha bonolo bathong ba batjha.
Batjha ba hloka ho kgothaletswa ho kopa thuso le keletso ho sa natswe hore ba kula kapa ha ba kule.
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle di lokela ho sebetsana le batjha ka mokgwa wa setswalle hore batjha ba tle ba kgone ho sebedisa ditshebeletso tsena.
Ka dinako tse ding batjha ba fumaneha sebakeng sa mosebetsi, mme ba thulana le diketsahalo tse mpe (mohlala, dikotsi tse tshabehang mosebetsing le ho jewa mmetwana kapa ho sebetswa ka tsela e fosahetseng) le diketsahalo tse nepahetseng (ho phahamisetswa boemong bo hodimo mosebetsing) nakong eo ba leng mosebetsing wa diindastri tse kgolo. Batho a batjha ba lokela hore ba be le thuto e loketseng, mahlale a bophediso le thupelo hore ba kgone ho fumana mosebetsi.
Ho tshwanetse hore ho be le mananeo mosebetsing a netefatsang hore ho na le Bophelo bo Botle le polokeho ya batho batjha jwalo ka basebetsi.
Mahlokore a tshebetso ya setjhaba le ya praevete ka bobedi ba ona a lokela ho kgothaletswa ho fana ka monyetla bathong ba batjha hore ba kgone ho ithuta le ho fumana boitsebelo ba mosebetsi.
Ba lokela hore ba fuwe monyetla wa thupelo ya tjhoriso mosebetsing hore ba ntshetse pele mahlale a hlokehang a tla etsa hore ba kgone ho fumana mesebetsi.
Sebaka sa mosebetsi ke sebaka sa bohlokwa sa thuto e mabapi le ditaba tsa Bophelo bo Botle bathong ba batjha.
Ho tshwanetse hore ho be le mekgwa ya tharollo e etsetswang ho fihlella batjha kaofela ka ho ikgetha, haholo ba pepesehileng ho feta le ho ba tsietseng ya hore ba ka hlekefetswa.
Mona ho kenyeletswa batjha ba hlokang moo ba dulang teng, ba phelang diterateng, batjha ba fumanang tjhelete ka ho hweba ka thobalano, ditlolo tsa molao le tse ding tse jwalo.
Ba bang ba itshwara ke mokgwa o ka ba tlisetsang mathata moo ba lateletseng ho fumana tjhelete.
Batjha ba fumanehang diterateng ba pepesehile le ho ba tlokotsing ya maemo a fapafapaneng a dikotsi. Nakong eo ba nang le mathata a Bophelo bo Botle ha ba batle thuso ya tsa Bophelo bo Botle mme hangata ha ba tsotellwe ho fihlela phiri e se e jele.
Bophelo ba batho bana ba batjha bo boima hobane ha ba na dibaka tse hlokehang tse ka ba thusang ka tsa Bophelo bo Botle.
Ho sebetsana le mathata a amang batjha ba phelang diterateng ho boima mme ho hloka tshebedisano ha mmoho le dihlopha tsa kereke, Mekgatlo eo eseng ya mmuso, le mafapha a fapaneng a Mmuso a tshwanang le Mafapha a Bophelo bo Botle le la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Mekgatlo ena e na le seabo sa bohlokwa ho latela ntshetsopele ya tumelo le boitshwaro ba batjha.
Mekgatlo e thehilweng setjhabeng le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso e fumaneha bathong, e kgona ho etsa mosebetsi o moholo ho thusa batjha hore ba iphamamise ka bo bona le ho phahamisa setjhaba sa habo bona.
E ka thusa le ka matlafatso ya ditabatabelo tsa lelapa, ho fana ka mahlale a bophelo a boiphediso le ho fana ka mananeo a mang a ntshetsopele ya batjha.
Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle e lokela ho etsahala dibakeng kaofela moo batjha ba phelang teng kapa moo ba fumanehang teng ka dihlopha. Ka nako e nngwe tsena ke dihlopha tse pepesehileng tsa batjha ba hlokang moo ba ka lebang teng.
Ditsha tsa moo ho kwallwang bana teng le mahae a bana ke mehlala e meng ya moo batjha ba bang ba fumanehang teng ka hobane ba hohlana le molao kapa ba hloka moo ba dulang teng.
Ba lokela ho tshehetswa maikutlong, mmeleng le dikelellong, mme ba fuwe le thuto ha mmoho le mahlale a bophelo a boiphediso a tla ba dumella ho tswela pele ka mokgwa o motle.
Mananeo a Bophelo bo Botle a lokela ho hlokomelwa le ho hlahlojwa ho netefatsa hore a kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha le hore batjha ba sebedisa ditshebeletso tseo ka moo ho loketseng ka teng.
Ho tshwanetse hore ho be le ditsela tsa ho lekanya boleng ba ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle le ho netefatsa hore basebedise ba kgotsofetse ke seo ba se fuwang ha ba etetse ditshebeletso tsena tsa Bophelo bo Botle.
Batjha ba hloka ho kena le ho amana ka tsela ya sebele tlhokomelong le tlhatlhobong ya tse etsahalang dibakeng tsena.
Mabokose a ditlhahiso a lokela ho behwa ditliniking moo basebedise ba kgonang ho hlahisa maikutlo mabapi le boleng ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle teng.
Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa ho arabela dillo tsa basebedise ba ditshebeletso tsena.
Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa hore basebedise ba hlahise dingongoreho dibakeng tsena tsa Bophelo bo Botle.
Karolo ya qetelo e hlwatswa sebae ka letoto la boikarabelo boo mafapha a Mmuso a nang le bona ho netefatsa hore tataiso tseo ho fanwang ka tsona di a sebediswa.
Dibaka tsa Bophelo bo Botle di lokela ho sebedisa tataiso tsa leano bakeng sa Bophelo bo Botle ba batjha.
Batsamaisi ba setereke kaofela ba Bophelo bo Botle ba lokela ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba Bophelo bo Botle ba tseba dikahare tsa tataiso ya leano la Bophelo bo Botle ba batjha.
Mafapha a Diprovense a Bophelo bo Botle a lokela ho etsa tataiso tsa wona tsa leano le kgemang le boemo ba bona, ho latela moralo wa tataiso ya leano la naha.
Ditokelo tsa batjha tsa ditaba tsa thobalano di lokela ho hlomphuwa le ho amohelwa ke dibaka tsa Bophelo bo Botle tsa diprovense kaofela ho latela thupelo ya tjhoriso mosebetsing mabapi le tataiso tsa leano bakeng sa bophelo ba batjha.
Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha bo na le boikarabelo ba ho tshehetsa, ho hasanya le ho qhalanya tataiso ya leano diprovenseng tsohle.
Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha bo na le boikarabelo ba ho ntshetsa pele dibukana tsa tlhaloso tsa thupelo tse nang le setswalle batjheng tse hlalosang ka moo ditshebeletso di ka ntlafatswang ka teng hore di amohelehe bathong ba batjha.
Ho tshwanetse hore ho be le tlhokomelo le tlhatlhobo ya phethahatso ya leano le boleng ba ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle tseo ho fanwang ka tsona.
Ka phethahalo: ho sebetsana le ho kula ha motho ka mokgwa o phethahetseng.
Bontate:: Ntate kapa ngwana e moholo wa moshanyana ka lapeng ke yena hlooho kapa ke yena ya laolang dintho.
Ho ba le seabo: ho ba le kabelo nthong e itseng kapa ho kena morerong o itseng.
Tlatsa lenaneo le latelang bakeng sa mehlodi ya setjhaba mme o le boloke haufinyane.
Nomoro ya mohala ya mosebetsing:.
Ngaka ya lelapa:.
Tse ding: mohlala, dialeji:..
Nomoro ya mohala:.
Nomoro ya mohala:.
Tshireletso le ba Molao:...
Nomoro ya Founu:...
Lekala la Tshireletso ya Bana:.
Nomoro ya mohala:.
Nomoro ya founu ya Laeborari:..
Nomoro ya Setsha sa Batjha se Haufi..
Projeke ya molao ya AIDS.
Mokgatlo wa Masofe wa Afrika Borwa.
Nomoro ya thuso ya Bana..
Batho ba Holofetseng ba Afrika Borwa.
Mohala wa Dikgoka tsa Malapeng le Tlhekefetso.
Mokgatlo wa Ditholo wa Afrika Borwa (DEAFSA):..
Khomishene ya Naha ya Batjha.?
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa..?
Lefapha la Bophelo bo Botle: Bophelo bo Botle ba batjha...?
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba..
<fn>sot_Article_National Language Services_LETSHOLO LA TEMOSO YA.txt</fn>
Ka lebaka la diphetoho tse teng moruong le tikolohong ya dipolotiki, bophelo ba malapa ho la Afrika Borwa ha bo sa tsitsitse ka moo ho loketseng ka teng. Sewa sa HIV&AIDS se tswela pele ho beha ka mosing katleho e seng e fihletswe naheng ena ya ho hlokomela le ho tshireletsa bana ha mmoho le malapa a bona. Nakong ya hona jwale naha e tjamelane le tlokotsi, hobane bana ba bangata ba siuwa e le dikgutsana, ba lahlwa feela, ha ba hlokomelwe kapa ba hlekefetswa. Bana jwale e se e le bona dihloho tsa malapa a mangata. Molao wa rona wa motheo o hlalosa hore ngwana e mong le e mong mona Afrika Borwa o na le tokelo ya ho ba le ba lelapa kapa a be le tlhokomelo e nngwe e mo loketseng. Bana ba sa fumaneng tlhokomelo e nngwe e loketseng ba bothateng ba ho hlekefetswa, ho sebetswa hampe le ka kgatello, ho phela setereateng kapa ho rekiswa. Mmuso o ka kgona feela ho thusa ka ditokelo tsa dikgutsana le tsa bana ba kojwana di mahetleng ha feela ho ka buisanwa le batho ha mmoho le malapa ba ikemiseditseng ho hlokomela bana bana hore ba fuwe monyetla wa ho etsa jwalo.
Tlhokomelo ya Bana ke eng?
Tlhokomelo ya bana ke tshebeletso ya bohlokwa ya thekolohelo ya malapa le bana ba tlamehang ho se dule le ba malapa a bona (mmoho bakeng sa) nakwana kapa nako e itseng e tsepameng. Ke tshebeletso ya bana ba sa kgoneng ho dula le malapa a bo bona ka lebaka la tlhekefetso, ho se hlokomelwe hantle hobane batswadi ba bona ba sa kgone ho ba hlokomela kapa ha batswadi ba bona ba hlokahetse. Ngwana o behwa tlhokomelong ya motho ya tshwanetseng eo e seng motswadi kapa mohlokomedi wa ngwana eo wa tlhaho.
Sepheo sa sehloho sa tlhokomelo ya mofuta ona ke ho tshireletsa le ho hlokomela ngwana, sena se etswa ka mokgwa wa ho fana ka tulo e bolokehileng e nang le bophelo bo botle ka tshehetso e ntle e tla kgotsofatsa ditlhoko tsa ngwana enwa. Ho kgothaletswa hore ho thehwe dikamano dipakeng tsa ngwana enwa le lelapa la hae ha mmoho le ba lelapa la hae le leng ka morero wa ho matlafatsa le ho boloka maqhama a lelapa ka sepheo sa tshokollo ya bohle ba amehang le ho boela ho kopanngwa ngwana hape le ba lelapa la hae.
Bana ba fumanwa ba hloka tlhokomelo ke Lekgotla la Dinyewe la Bana ho latela Molao wa 74 wa Tlhokomelo ya Bana wa selemo sa 1983, ka moo o ileng wa fetolwa ka teng.
Ngwana ya bontshang boitshwaro bo kekeng ba laolwa ke batswadi ba hae kapa mohlokomedi wa hae.
Ke mang ya ka fetohang Motswadi ya Hlokomelang bana?
Motho e mong le e mong eo e seng motswadi wa ngwana e ka ba motswadi ya hlokomelang bana.
Ka hodimo ho dilemo tse 18.
Batswadi ba fanang ka tlhokomelo ba ka etsa kopo ya tjhelete ya thuso ya tlhokomelo ya bana Mmusong ho latela Molao wa 59 wa Thuso ya Setjhaba wa selemo sa 1992 wa tlhokomelo ya bana. Batswadi ba bana ba letswele ba na le boikarabelo ba ho fana ka nyehelo e itseng tlhokomelong ya ngwana ka sebopeho sa taelo ya nyehelo e tla tsepamiswa ke Lekgotla la Dinyewe la Bana.
Bana kaofela ba hlokang tlhokomelo ba lokela hore ba lemoswe mokgatlo wa thekolohelo kapa Ofisi ya teng. Mosebeletsi wa Thekolohelo o lokela ho hlahloba hore ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso ha mmoho le maemo a lelapa le sisinngwang hore le ka hlokomela ngwana ho tsepamisa botsitso ba bona. Diphuputso tsa Lekgotla la Dinyewe la Bana di rotetswa ke Mosebeletsi wa Thekolohelo ho latela ngwana ya amehang. Mosebeletsi wa Thekolohelo, ngwana le batswadi ba lelapa lena le sisinngwang ho hlokomela ngwana, ba hlahela ka pele ho Khomeshenara wa Thekolohelo ya Bana ho tsepamisa taba ya tlhokomelo ya ngwana ke batswadi ba sisinngwang. Khomeshenara o etsa taelo ho latela Molao wa Tlhokomelo ya Bana. Hang ha taelo e se e entswe, mosebeletsi wa thekolohelo o thusa lelapa le lokelang ho amohela tlhokomelo ya ngwana ho etsa kopo ya thuso ya tlhokomelo ya bana. Mosebeletsi wa Thekolohelo o tswela pele ho fana ka ditshebeletso lelapeng le amohetseng ho hlokomela ngwana ha mmoho le ho ngwana. Ditshebeletso tsena di otlollelwa le ho batswadi ba ngwana ba letswele ho sebeletsa kopano ya ngwana le lelapa.
Ngwana o fumanwa a hloka tlhokomelo le tshireletso ho latela Molao wa Tlhokomelo ya Bana nakong e itseng. Batswadi ba amohetseng tlhokomelo ya ngwana ba nkwa e le batswadi ba nako e itseng ba amohetseng boikarabelo ba ngwana. Batswadi ba hlokomelang ngwana ha ba na matla a bohlokomedi, mohlala tokelo ya ho saenela tumello ya lenyalo. Ngwana ya tlhokomelong o dula a le tlasa matla a pehelo ya Tlhokomelo ya Bana ho fihlela ngwana a le dilemo di 18. Taelo ya Lekgotla e etswa nako ya dilemo tse pedi mme mafelong a tsona e lokela ho lekolwa botjha. Haeba ho hlokeha e lelefatswa ke Khomeshinara dilemo tse ding le tse ding tse pedi.
O kopuwa hore o lekole phamflete ya "Adoption".
<fn>sot_Article_National Language Services_LLIFI YA HO KULA, LLI.txt</fn>
Ke tlwaelo hore neng kapa neng bophelong o kule kapa o lemale mme moo o tla tshwanela ho fumana llifi ya hore o hlaphohelwe ho kuleng kapa ho lemaleng hoo. Re kopa hore o ele hloko hore ho lemala mona ha ho buuwe ka ho lemala o le mosebetsing.
Matsatsi a 36 a ho sebetsa a llifi e tlwaelehileng ya ho kula ka moputso o felletseng saekeleng ya llifi ya ho kula. Saekele ya llifi ya ho kula ke nako dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Saekele ya ha jwale ya llifi ya ho kula e qadile ka la 1 Pherekgong 2004.
Ha o tseba pele ho nako hore o lokela ho ya tshebetsong tsa bongaka, mohlala, oporeishene, etsa kopo mme o romele foromo ya hao ka nako.
Le ha ho le jwalo, ha o ka kula ka potlako feela kapa wa lemala, tsebisa suphavaesa ya hao ka potlako hore ha o kgone ho tla mosebetsing ka baka la ho kula kapa ho lemala. Molaetsa wa molomo ho tswa ho wa leloko, mosebetsi mmoho kapa motswalle o amohelehile feela haebe mofuta le/kapa bonamo ba ho kula/ho lemala bo etsa hore o hlolehe ho tsebisa suphavaesa/manejara wa hao ka bowena.
Romela setifikeiti sa bongaka sa ho kula sa matsatsi a mararo kapa ka hodimo MME haebe o se sebedisitse llifi ya ho kula ka hodimo ho makgetlo a mabedi nakong ya beke tse 8, ho sa natswe nako ya ho se be teng. Sheba hape le Kamohelo ya Setifikeiti sa Bongaka mona ka tlase.
Ho sebedisa le ho laola llifi e tlwaelehileng ya ho kula ka tsela e nang le boikarabelo le kelo hloko ka nako ya saekele ya llifi ya ho kula.
Tlohela ho sebedisa llifi ya ho kula bakeng sa merero e meng eo e seng ya ho kula kapa ho lemala hobane o ka kena mathateng ha morao saekeleng ya llifi ya ho kula.
Ho ela hloko le ho o neha llifi ya ho kula ka ho ya ka kopo ya hao.
Ho lebela le ho batlisisa ka ditlwaelo tse itseng tsa llifi e tlwaelehileng ya ho kula bakeng sa ho bona hore na ha ho na tshebediso e sa lokang ya yona. Le ho nka mohato ha ho hlokeha. Tlasa mabaka a mang mohiri a ka kopa setifikeiti sa bongaka bakeng sa nako e ka tlase ho matsatsi a 3 haebe ho na le tlwaelo e hlauweng.
Ho eletsa basebetsi hore ba sebedise llifi ya ho kula ka kelello.
Ho fetola tikoloho ya ho sebeletsa kapa ditlhoko tsa mosebetsi kapa a ho batlele mosebetsi o mong oo o ka o etsang, jwalojwalo, moo ho hlokehang.
Llifi ya ho se itekanele ke benefiti eo o ka etsang kopo ya yona ha ho ka etseha hore o qete matsatsi a hao a llifi e tlwaelehileng ya ho kula saekeleng ya dilemo tse 3 ya llifi ya ho kula.
Ho se itekanela ha nako e kgutshwane?
Ho se itekanela ha nako e telele?
romela setifikeiti sa bongaka bakeng sa ketsahalo ka nngwe; le dipatlisiso tsa mohiri mabapi le mofuta le bonamo ba ho kula le ho lemala ha hao.
Etsa kopo ka diforomo tsa kopo tse beuweng. O kotjwa hore o ele hloko hore o lokela ho etsa kopo diforomong tsa kopo tse beuweng tsa llifi ya ho se itekanela ya nako e kgutshwane le e telele ka tatellano. Ha o sa tla sebedisa foromo ya Z1 bakeng sa hona.
Ha o tseba pele nako hore o lokela ho ya tshebetsong ya bongaka, mohlala, oporeishene, etsa kopo e be o romela foromo ya hao ya kopo pele ho nako.
Le ha ho le jwalo, ha o ka hlaselwa ke ho kula ka tshohanyetso kapa wa lemala, tsebisa suphavaesa ya hao ka potlako ha o sa kgone ho sebetsa ka baka la ho kula kapa ho lemala. Molaetsa wa molomo ka wa leloko, mosebetsi mmoho kapa motswalle o amohelehile feela ha mofuta le/kapa bonamo ba ho kula/lemala bo etsa hore o hlolehe ho bolella suphavaesa/manejara wa hao ka bowena.
O lokela hore ka mehla o romele setifikeiti sa bongaka le kopo ya hao. Hape o ka romela le diraporoto le tlhahisoleseding ya bongaka e tshehetsang ha e le teng, ekasitana le mabaka a tshehetsang a ngotsweng fatshe mmoho le kopo ya hao ya llifi ya ho se itekanele. Sheba hape le seratswana sa sehlooho se reng Kamohelo ya Ditifikeiti tsa Bongaka.
Tlohela ho sebedisa llifi ya hao ya ho se itekanela hampe.
Mohiri o tla ho neha llifi ya ho se itekanele e nang le dipehelo mme hona ho tla itshetleha hodima sephetho sa diphuputso tsa hae tsa mofuta le bonamo ba llifi ya ho se itekanele.
Mohiri o tla laola le ho fuputsa kopo ya ha, ka thuso ya Health Risk Manager, ka ho ya ka Leano le Mekgwatshebetso ya Llifi ya ho Itekanele le Ho ya Pensheneng ka Baka la ho Kula (Policy and Procedure on Incapacity Leave and Ill-health Retirement - PILIR). O ka kotjwa hore o ye dihlahlobong tse ding hape tsa bongaka jwalo ka karolo ya diphuputso e le hore mohiri a tle e etse qeto a na le tsebo ka llifi e tswelang pele ya ho se itekanele kapa mohlala, kgonahalo ya ho fetola tikoloho eo o sebetsang ho yona kapa ho fumanelwa mosebetsi o mong oo o ka o etsang.
Mohiri o tla ntsebisa ka diphetho tsa ona le mehato e lokelwang ho nkuwa ka ho ya ka diphetho.
Ha o ka hloleha bakeng saruri ho sebetsa tlasa mabaka a bongaka, o ka lokollwa/lebohiswa mosebetsi wa Tshebeletsong tsa setjhaba tlasa mabaka a bongaka.
Ke wena kapa mohiri wa hao ya ka qalang taba ya penshene ya ho kula ha ho ka belaelwa hore ha o kgone saruri ho sebetsa. Hona e ka ba mohlala mohlomong ka mora kotsi e mpe haholo ya koloi.
Ha o entse kopo ya llifi e telele ya ho se itekanele mme diphuputso tsa mohiri di supa hore o ke ke wa kgona ho sebetsa bakeng saruri, kopo ya hao ya ho se itekanele e ka nyollelwa kopong ya penshene ya ho kula.
O ka kotjwa hore o tlatse diforomo tse ikgethang tsa kopo ya hoya pensheneng ka baka la ho kula.
Romela ditifikeiti tsa bongaka le diraporoto le dintlha dife kapa dife tse ding tsa bongaka tse tshehetsang tse leng teng mmoho le kopo. Sheba hape le tlasa sehlooho se reng Kamohelo ya Ditifikeiti tsa Bongaka.
Mohiri o tla laola le ho fuputsa ka kopo ya hao, ka thuso ya Health Risk Manager, ka ho ya ka PILIR. O ka lokela ho ya dihlahlobong tse ding hape tsa bongaka jwalo ka karolo ya ho fuputsa e le hore mohiri a tle a kgone ho etsa qeto a na le tsebo ka kgonahalo ya hao ya ho ya pensheneng ka baka la ho kula, kapa ha o sa kgone ho sebetsa bakeng saruri, ho etsa qeto a na le tsebo ka, mohlala, kgonahalo ya ho fetolwa ha tikoloho eo o sebetsang ho yona kapa ho fumanelwa mosebetsi o mong oo o ka o etsang.
Mohiri o tla ho tsebisa ka diphetho e be o nka mehato e tshwanetseng ka ho ya ka diphetho.
Bakeng sa merero ya llifi ya ho fellwa ke bokgoni mohiri o tla amohela feela setifikeiti sa bongaka se ntshitsweng mme sa saenwa ke dingaka tse ngodisitseng le Khansele ya Profeshene ya Bophelo bo Botle ya Afrika Borwa (Health Professions Council of South Africa) mme bao ba dumelletsweng ka molao ho hlahloba le ho alafa bakudi. Setifikeiti se jwalo sa bongaka se tshwanetse hore, ka tumello ya hao e nang le tsebo, se hlalose mofuta le bonabo ba ho kula/ho lemala.
Lebitso, aterese le mangolo a thuto a ngaka.
Lebitso la mokudi.
Mohla le nako ya hlahlobo.
Hore na ngaka e fana ka setifikeiti ka baka la temoho ya hae ka nako ya hlahlobo, kapa ka baka la tlhahisoleseding e fumanweng ho tswa ho mokudi mme e theilwe hodima mabaka amohelehileng a bongaka.
Tlhaloso ya ho kula/bothata, ha feela mokudi a fane ka tumello ya ho senolwa ha tlhahisoleseding e jwalo.
Hore na mokudi o hloleha ka botlalo ho sebetsa kapa mokudi o tla kgona ho phetha mosebetsi o seng matla haholo moo a sebetsang.
Nako e kgothaletswang ya llifi ya ho kula le mohla wa ho ntshwa ha setifikeiti sa ho kula.
Boitsebiso ba ngaka haebe e sebedisa ditifikeiti tsa bongaka tse hatisitsweng pejana, haebe mantswe a sa amaneng le mokudi a lokelwa ho hlakolwa.
Mohiri a ka ela hloko le ho qala ho batlisisa ka kopo ya hao feela hang ho ba o romele foromo e tshwanetseng ya kopo e tlatsitsweng le ditokomane tsohle tse hlokehang. Hona ho kenyelletsa ho kgutlela ngakeng ya hao hore e ilo tlatsa raporoto e hlokehang eo e leng karolo ya diforomo tsa kopo. Foromo ya kopo e sa fellang e ka ho bakela mathata a ho fumana llifi ya ho fellwa ke bokgoni kapa ho ya pensheneng ka baka la ho kula.
hloka nako ya ho se be teng mosebetsing o ya ngakeng, ho moalafi, jj. Bakeng sa mabaka a amanang le bophelo/boitekanelo ba hao; kapa ha o be teng mosebetsing bakeng sa karolo e itseng ya letsatsi ka baka la ho kula kapa ho lemala; kapa holofetse mme o isa disebediswa tsa bohole ho ya lokiswa, mohiri o tla ho neha nako ya hore o se be teng mosebetsing bakeng sa diketsahalo tsena. Mohiri o tla boloka rekoto e ngotsweng fatshe ya dinako tseo o di nkileng o sa tla mosebetsing ho fihlela di etsa letsatsi le le leng le felletseng. E be dinako tseo tsohle di hulwa matsatsing a hao a llifi ya ho kula.
Bakeng sa hona, o tla lokela ho tlatsa rejistara ya nako hore e tle e be rekoto ya hao.
Bopaki ba diketsahalo tsena le bona bo tla hlokeha.
<fn>sot_Article_National Language Services_Lefapha la Bokgabo le.txt</fn>
Ke motlotlo haholo ho nehelana ka Moralo ona wa Phethahatso wa Leano la Naha la Puo o neng o sa tswa thakgolwa ke Letona haufinyane. Leano la Naha la Puo le tswetswe ke ditherisano tse batsi tseo esale di simolla morao kwana ka selemo sa 1995, ha ho ne ho kgethwa Moifo o Sebetsanang le Puo (LANGTAG). Moralo wa Phethahatso o lokodisa mawa a tla sebedisetswa phethahatso ya Leano la Puo, o hlahisa le metheo e tla ba ka sehloohong phethahatsong, le mekgwa e tla sebediswa ho akofisa ntshetsopele le kgothaletso ya Dipuo tsa rona tsa Se-Afrika.
Mmuso o lemoha diphephetso tse amehang taolong e sebetsang hantle ya dipuo tse fapafapaneng. Ke ka lebaka lona lena Moralo wa Phethahatso o hlahisang mokgwa wa katamelo o tenyetsehang ebile o tswella pele. Hobane ho lemuhuwa ntlha ya hore kgothaletso le ntshetsopele ya dipuo tsa rona e bonwa e le ya bohlokwa dipallong tsa Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso o etsa boipiletso ba hore ho hlomamiswe moralo wa tlhekelo ya mosebetsi wa puo le mekgwa e loketseng ya phethahatso e feletseng ya tshebediso ya dipuo tse ngata Tshebeletsong ya Setjhaba. Ka hoo, balekane bao re sebedisanang le bona boemong ba mmuso wa naha, wa diprovense le wa selehae ba tla ba le seabo sa bohlokwa sa ho etsa bonnete ba phethahatso e atlehileng ya Leano la Puo.
Ka ho nkella hloohong hore phephetso ya rona jwalo ka Mmuso ke ho etsa bonnete ba hore baahi ba fuwa tshebeletso e sebetsang hantle e arabelang ditlhoko tsa bona, le hore puo ke sesebediswa sa ho hokahana le bona, ke taba ya bohlokwa hore Leano la Puo le phethahatswe ka potlako e kgolo.
Ka hoo ke lakatsa ho ipiletsa ho bomphato bohle ba rona, ke kenyeletsa mekgatlo ya mmuso le mafapha ekasitana le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa, ho netefatsa hore phethahatso ena ya moralo ona wa bohlokwahadi e etsa hore tshebediso ya dipuo tse ngata ebe ntho ya nnete e sebeletsang baahi bohle ba Afrika Borwa.
Moralo ona wa Phethahatso ke karolo ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo(NLPF) o matlafatsang dipallo tsa puo jwalo ka ha di lokodisitswe karolong ya 6 ya Molao wa motheo, wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996). Ha o feletse, sephuthelwana sena se tla botjwa ka Tlhaloso ya Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso, Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa le melawana e lohothwang, ha mmoho le Molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo o ntseng o lohothwa.
Moralo ona wa Phethahatso o tliswa e le tlhahiso e tenyetsehang eo ho yona ho ka boelang ha kenyeletswa metheo e meng e fumanweng le mekgwa e ka sebedisetswang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata.
Tlhaloso ya Leano ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) e ile ya phatlalatswa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknolji ha Tshitwe e hlola matsatsi a 3 ka 2002. Ka morao ho moo e ile ya ananelwa ke Khabinete ha Tlhakola e hlola matsatsi a 11 selemong sa 2003. Leano lena le reretswe ho ntshetsa pele tshebediso e lekanang ya dipuo tsa molao tse 11 ka mohopolo wa etsa hore ditshebeletso tsa mmuso di fumanehe ka ho lekana, tsebo le lesedi, ekasitana le tlhompho ya ditokelo tsa puo. Dipheo tsena di itshetlehile kgothaletsong le ntshetsopeleng e atlehileng ya dipuo tsa kwano tsa molao tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng. Hobane puo ke sesebediswa sa kgokahano bophelong ba batho le ditjhaba, ke taba ya bohlokwa hore ho etswe mawa a tla rarolla tlhokeho ena ya tekano ya dipuo ya nakong e fetileng.
Moralo wa Phethahatso o fana ka dintlha tse mabapi le metheo le mekgwa e hlokehang ya ho kenya tshebetsong Leano lena la Puo, le se bolelwang ke ditekanyetso tsa teng tsa ditjhelete bakeng sa mafapha a naha le a diprovense.
Leano le hlakile mabapi le bonamo ba phethahatso. Metheo yohle ya mmuso (ya naha, ya diprovense le ya puso ya selehae) e tlangwa ke dipallo tsa Leano, jwalo ka ha di tlama mekgatlo efe kapa efe e nang le matla a setjhaba kapa e etsang mosebetsi wa setjhaba ho latela molao.
Lefapha le leng le le leng kapa Provense le ka kgetha puo e tla sebetsa ho lona. Ho ntse ho hlokometswe hore ho seke ha ba le motho ya tla thibelwa ho sebedisa puo ya kgetho ya hae. Ha tlhokeho e le teng, ho fumanwe ditshebeletso tsa botoloki kapa tsa diphetolelo.
Mabapi le dikgokahano tsa puo e ngotsweng, ho tla lokela hore ho latelwe lenaneo la dikgatiso la tshebediso ya dipuo tse ngata tse sebetsang (ho nketswe hloohong tshebetso, batho ba mametseng le molaetsa) moo ho sa hlokeheng hore ho hatiswe ka dipuo kaofela tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, moo tshebetso e tsitsitseng ebile e sebetsa hantle ya mmuso boemong bofe kapa bofe e hlokang kgokahano e phethahetseng ya lesedi, kgatiso e tla lokela hore e etswe ka dipuo tse 11.
Moo ditokomane tsa mmuso di kekeng tsa kgona hore di fumanehe ka dipuo tse 11 tsa molao, mafapha a mmuso wa naha a tla lokela hore ka nako e le nngwe a hatise bonyane dipuo tse tsheletseng.
Motheo wa potoloho o tla lokela hore o sebediswe ha ho hlwauwa dipuo tsa sehlopha sa bokone (Nguni) le sa seSotho. Ka hoo bonyane tlhoko ya mafapha a mmuso wa naha e tla ba ho hatisa ditokomane tsa molao ka dipuo tse tsheletseng.
Motheo wa potoloho ha o sebetse diprovenseng, hobane di lokela hore di sebedise dipuo tsa tsona tsa molao tse tsepamisitsweng.
Mebuso ya selehae e tla tsepamisa puo eo e tla e sebedisa le dipuo tse kgethwang ke baahi ba bona kahare ho moralo wa tshebetso wa puo provenseng eo. Ha ho se ho tsepamisitswe puo e tla sebediswa le e kgethwang ke baahi ba moo, mebuso ya selehae e lokela hore, ka ditherisano tse batsi le baahi, e ntshetse pele, le hore e phatlalatse le ho phethahatsa leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Ka mabaka a ngollano ya molao, puo ya kgetho ya moahi e lokela hore e sebediswe. Kgokahano ya puo ya molomo yona e tlameha hore e etswe ka puo ya molao e kgethilweng ya bamamedi ba habilweng. Ha ho hlokeha, ho tshwanetse hore ho etswe mekutu yohle ya ho sebedisa menyetla ya puo e kang botoloki (bo latelanang ka dinako tsohle, bo etsahalang hong, ba founu le botoloki bo sejwang) moo ho kgonehang. Tlhophiso ena e lokela ho sebediswa diprovenseng ha mmoho le mafapheng a mmuso wa naha.
Tshebetso ya phethahatso e tataiswa ke dipheo le maikemisetso a totobaditsweng Leanong.
a Ntshetsopele ya dipuo tsa kwano, ho kenyeleditswe tlhomamiso ya meralo le ntshetsopele ya dihlahiswa tse jwalo ka buka tsa mantswe kapa didikshenari le dikerama.
b Qobello ya boikarabelo ba mmuso ho tiisa hore melemo ya ho finyeletsa tshebeletso e qhalanngwa ka tsela e lekanang ya nehelano hore ho fumanehe tekano ditshebeletsong tsa baahi bohle ho sa natswe puo ka morero wa ho matlafatsa seabo sa bona le lentswe la bona ditabeng tsa mmuso.
c Taolo ya dipuo kaofela ho etsa bonnete ba tshebediso e sebetsang ya dipuo tsohle tsa molao le ho ntshetsa pele setshwantsho sa setjhaba sa Mmuso.
d Kgothaletso ya ho ithuta puo, e entsweng ka ho ikgetha ho latela Tshebeletso ya Setjhaba, ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya bahlanka ba Tshebeletso ya Setjhaba le tlhahiso ya bona sebakeng sa mosebetsi le ho etsa hore ho bonahale melemo ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
e Kgothaletso ya dipuisano tsa motjha o tjhele tse kgabane tsa tshebediso ya dipuo tse ngata le ba nang le seabo le baamehi.
f Tlhomamiso ya dilekane tsa tshebedisano ho etsa bonnete ba hore phethahatso ya Leano lena e atlehe.
a Phethahatso ya Leano e tla kenngwa ka mehato hanyane hanyane jwalo ka nako e utlwahalang.
b Tshebetso ya phethahatso e tla etsahala kahara metheo e behilweng ka tsela e hlakileng le e kgonang ho laoleha.
c Bokgoni bo tla thehwa ka tsela e eketswang ha e ntse e tswela pele bakeng sa phethahatso e nang le moelelo le phethahatso e sebetsang hantle.
d Phethahatso e atlehileng e tla hloka hore ho fetolwe tlwaelo ya tshebediso ya dipuo tsa molao mafapheng a mmuso ho netefatsa hore dipuo tsa kwano di sebediswa ka matla meelelong e fapafapaneng.
f Ho tla tadingwa pele mahlale a mang a thupelo diphetolelong le tlhaolong ya diphoso, botoloking, leksikhokrafing le mokgweng wa mareo.
g Katleho ya phethahatso ya Leano e tla hlahlojwa kgafetsa ka tshebedisano e kgolo le Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa PanSALB. Dipehelo tse nang le dintlha tse phethahetseng mabapi le tekolo tsa mofuta o jwalo di tla phatlalatswa.
h Ha ho hlokeha ho tla etswa diphuputso tshebedisong ya puo e le ho fana ka lesedi le hlokehang diqetong tsa ho etsa Leano le tsa phethahatso.
Afrika Borwa e fetohile lelapa la botjhaba bo fapafapaneng haholo le dipuo. Ho akanngwa hore ho buuwa dipuo tse ka bang 25 naheng ena, tseo tse 11 ho tsona di fuweng maemo a molao ho latela karolo ya 6 ya Molao wa motheo.
Le leng la makgetha a dipuo tsa Afrika Borwa ka lehlakoreng le leng ke ntlha ya ho hlokiswa matla ha dipuo tsena, ha ka lehlakoreng le leng e le taba ya bompodi. Leano la nakong e fetileng la tshebediso ya dipuo tse pedi ka molao e ile ya tswala dikamano tse hlokang tekano mahareng a English le Afrikaans (tseo e neng e le tsona feela dipuo tsa molao) le Dipuo tsa Se-Afrika. Bompodi ba dipuo tsena bo ile ba eba le tshwaetso e nang le leeme ka tsela e batsi haholo bathong ba bangata ba buwang dipuo tsena tsa Se-Afrika ho latela kgokahano ya batho ba batsho le Mmuso, le taba ya hore ba kgone ho fumana ditshebeletso tsa mmuso, toka, thuto le mesebetsi.
Ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika ke ya bohlokwa haholo hore ho tle ho kgonwe ho lokisa taba ena ya tlhokeho ya tekano. Ntshotsopele e fokolang eo esale e ba teng ka nako e fetileng ya ho beha ka mosing dipuo tsena ho latela tshwano le mongolo, mareo a thekniki le buka tsa pokeletso ya mantswe ke phephetso e kgolo haholo hore Leano le kgone ho sebetsa hantle. Ho feta mona, pehelo ya LANGTAG ya 1996 e bontsha hore ntlha ya ntshetsopele e fokolang ya dipuo tsena e kentse letsoho tjhadimong e fosahetseng eo le beng ba dipuo tsena ka bobona ba nang le yona ka dipuo tsa bona. Kgetho ya English le kapa Afrikaans e pheheletswe ka lebaka la boemo ba dipuo tseo ba ho sebetsana le puo ya thekniki.
Phephetso e kgolo ya phethahatso ke ditlwaelo tse teng hona jwale tsa puo, tse hokahaneng haholo le tshebediso e ngata ya Senyesemane mona Afrika Borwa ya ka morao ho nako ya kgethollo. Senyesemane se sebediswa ka mokgwa o batsi dibakeng tse ngata, metheong ya mmuso le ditabeng (dikoranteng le kgasong ya ditaba tsa ilektroniki), sebakeng sa mosebetsi e le puo e sebediswang ke bohle bakeng sa kgokahano le dihlopha tse fapafapaneng, le jwalo ka puo ya Inthanete le saense ha mmoho le theknoloji. Leha Senyesemane se nehelana ka menyetla ya ho fumana mosebetsi le thuto, se boetse ke tshitiso bathong ba haellwang ke tsebo ya ho buwa puo eo. Leha Senyesemane se bonwa e le senotlolo sa phedisano le motsamao wa moruo le katleho se tlisa tshoso tshebedisong le tlhokomelong ya dipuo tsa kwano le phethahatsong ya leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Leha ho le jwalo, tsebo ya puo ya Senyesemane hae e a phatlalla jwalo ka moo ho lebeletsweng ka teng, mme ho na le monyetla wa hore ho hlahele sehlopha sa batho ba itseng ba buwang puo ya maemo a hodimo. Dipatlisiso tsa naha tsa puo ya setjhaba tse neng di etswa ke Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 di bontsha hore batho ba fetang 40% ba Afrika Borwa ha ba utlwe letho le buuwang ka puo ya Senyesemane. Ho fumanehile hore batho ba bangata ba Afrika Borwa ha ba kgotsofala ka moo dipuo tsa bona di sebediswang ka teng setjhabeng. Dipatlisiso tsena di ile tsa fumana le hore setjhaba ka kakaretso hantlentle se nka Tshebeletso ya Setjhaba e sa fihlellehe ho latela taba ya puo.
Hodima taba ya ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika, ho tla hlokeha hore ho netefatswe taba ya tshebediso ya dipuo kaofela tsa molao. Moralo wa Phethahatso o rarolla dintlha tsena ka ho hlahisa tlhomamiso ya metheo e itseng le ho fumana mekgwa e itseng e tla boela e tlisa tharollo boemong bona.
Ho ntse ho lemohuwa ntlha ya hore phethahatso ya Leano lena e tla tlisa ho sutha ho matla tshebetsong tse teng tsa hona jwale, katamelo ya phethahatso e tenyetsehang le e tla eketseha ka maemo a fapaneng jwalo jwalo e tla sebediswa.
a Leha mafapha a maholo a 10 a tla tadingwa hore a eteletswe pele tlhomamisong ya diyuniti tsa puo, mafapha a mmuso kaofela a tla hloka hore a thehe diyuniti tsa puo.
b Dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela hore di kenngwe tshebetsong ka hanyane hanyane nakong ya dilemo tse tharo ho latela lenaneo la mafapha la dikgatiso. Mohlala, selemong sa pele e tla ba 30%, selemong sa bobedi e tla ba 60% mme selemong sa boraro ho hatiswe 100% ya dikgatiso kaofela.
Metheo e itseng le mekgwa ho latela ka moo e tshohlilweng ka teng karolong e latelang e hlahiswa ka morero wa ho matlafatsa phethahatso e sebetsang hantle. Metheo ena e tla hlokeha taolong ya tshebediso ya dipuo, ho hokahanya merero ya diprojekte tsa puo, ho kenya mokgwa wa profeshenale tabeng ya ho kgothaletsa seabo sa ditshebeletso tsa puo. Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) le ya Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) di tla thusa ka tlhomamiso ya metheo e hlokehang le ho fana ka seabo sa kgokahano mabapi le mekgwa e seng e fumanwe. Leha ho le jwalo, katleho ya phethahatso e tla itshetleha haholo tshebedisanong le metheo ya naha kaofela le ya diprovense, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB).
Ha ho eketswa metheong e seng e le teng ya PanSALB le Hansard, metheo e lokelang hore e hlomamiswe ho laola phethahatso ya Leano la Puo ke Diyuniti tsa Puo, Foramo ya Naha ya Puo le Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo.
Lekgotla la Dipuo tsohhle Afrika Birwa la Dipuo tsohle (PanSALB) ke molekane wa lewa wa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ditabeng tsa puo. Ka hoo Lekgotla lena le na le seabo sa bohlokwa haholo ntshetsopeleng le kgothaletsong ya dipuo tsa molao tsa Afrika Borwa, ha mmoho le dipuo tsa Khue le San le Puo ya Afrika Borwa ya batho ba buwang ka matsoho. Mesebetsi e amanang le tlhomamiso ya metheo e metjha le mekgwa e tla etswa ka tshebedisano e matla le PanSALB.
Dikomiti tsa Puo tsa Diprovense (PLCs) di tla lokela ho sebedisana haholo le diprovense ditabeng tsa puo tse amang diprovense tsa tsona tse ikgethang.
Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs) di tla nne di tswela pele ho ntshetsa pele dibuka tsa pokello ya mantswe kapa didikshenari ka dipuo tsohle tsa molao. Di tla lokela hore di hokelwe ho Karolo ya Kgokano ya Mareo ya Moifo wa Naha wa Puo. Metjha ya tlaleho leha ho le jwalo, e tla lokela hore e hlaloswe ka tsela e hlakileng.
Meifo ya Naha ya Puo (NLBs) ha e a botjwa feela ka ditho tseo eleng dibui tse antseng puo e amehang letsweleng, empa sekepele se seholo se sebediswang ho ba hlwaya ke hore ke batho ba nang le tsebo e ikgethang ya puo hobane ba lokela hore ba eletse Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka ditaba tse amanang le Tshwano, Leksikhokrafi, Mareo le Dingolwa. Ke balaodi mabapi le kananelo ya leksikhokrafi le tshwano puong.
Makgotla a etsang melao le Palamente ho latela sebopeho sa mesebetsi ya ona, jwalo ka ha e le tokelo ya ona, a lebeletswe ho fana ka ditshebeletso dipuong tsohle tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, maemo a lebatowa le ona a tla tsepamisa puo kapa dipuo tse tla sebediswa. Ka mantswe a mang, diprovense ha se hakaalo hore di lokela ho fana ka ditshebeletso tsa dipuo tse 11 kaofela. Diofisi tsa Hansard tse Palamenteng le diprovenseng tse fapafapaneng di na le seabo sa bohlokwa ho tshehetsa taelo ena. Ka hoo ke taba ya bohlokwa hore diofisi tsena di sebedisane le Diyuniti tsa Puo le metheo e meng e amehang.
Phethahatso ya Leano la Puo e tla etsa hore tlhokeho ya ditshebeletso tsa puo e eketsehe haholo, haholo phetolelo, ntshetsopele ya tlhaolo ya diphoso le mareo. Ho latela dipatlisiso tsa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) tsa 2001, metheo e ka etsang 40% ya mmuso le e etsang 80% ya diprovense e na le diyuniti tsa ho sebetsana le diphetolelo le dintlha tsa tlhaolo ya diphoso, empa diyuniti tsena di fapana ka boholo le mosebetsi. Ha Leano la Puo le se le sebetsa, ho tla hlokeha hore mafapha kaofela a mmuso wa naha le a diprovense a lokele hore a be le diyuniti tsa puo.
Diyuniti tsa Puo tse sebetsang ho laola phethahatso ya Leano la Puo di tla hlomamiswa mafapheng ohle a mmuso le provenseng e nngwe le e nngwe. Yuniti e nngwe le e nngwe ya puo e tla ba le moifo wa basebetsi ba nang le bokgoni ba ho fetolela kapa ho isa mosebetsi wa diphetolelo bafetoleding ba kantle mme bona ba hlahlobe boleng ba mesebetsi ena e fetoletsweng?
dipuong tse 11 tsa molao, mafapheng a naha a mmuso; kapa dipuong tse kgethilweng tsa molao provenseng e qoholehileng.
Mosebetsi wa ho lebisa mosebetsi o lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete o tla tsamaiswa ho latela leano la diphetolelo le la ho hlaola diphoso la ho lebisa diphotelolo bafetoleding ba poraefete, le lebeletsweng hore le tsepamise taba ya ho ntshuwa ha dithendara tsa ditshebeletso tsa diphetolelo le tlhaolo ya diphoso bonyane dilemong tse ding le tse ding tse pedi.
Diyuniti tsa Puo e tla ba tsona tsa bohlokwa ho etsa bonnete ba tshebediso ya ka dinako tsohle ya dipuo tsa molao ho latela tlhoko ya Leano la Puo. Diyuniti tsena di tla tshehetsa mekutu ya phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mosebetsi wa diyuniti tsena e tla ba ho laola phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata lefapheng le ikgethang kapa provenseng le ho buisana le mafapha a mang a ditabeng tsena tsa puo.
Tlhomamiso ya Leano la Puo lefapheng kapa provenseng.
Ho tlisa temoso ya Leano la Puo le Khoutu ya Puo ya Boitshwaro kahare ho lefapha la provense.
Tsamaisong le ho fana ka thuso ya tshebeletso ya diphetolelo kaofela le tshebeletso ya ho hlaola diphoso, kahare kapa mosebetsing o isitsweng ho bafetoledi ba poraefete.
Ho bala ka morero wa ho lokisa diphoso le kgatiso ya ditokomane ka dipuo tsa molao.
Ho thusa ka tshebediso ya ditshebeletso tsa botoloki dipuong tsa molao.
Keletso ya lefapha le diprovense ka tshebediso ya puo (ya molomo le e ngotsweng).
Taolo le ho thusa ka mananeo a thupelo bakeng sa bathaotuwa ba batjha diphetolelong, tlhaolong ya diphoso le ntshetsopeleng ya mareo, le mananeong a puo.
Tshebedisanong le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa DAC le PanSALB mohlala, dikomiti tsa diprovense tsa puo, meifo ya naha ya puo le diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi ho ntshetsa pele mareo.
Ho sebetsa jwalo ka monamodi dipakeng tsa lefapha kapa provense le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) le kapa Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika (PanSALB) mabapi le tshehetso ya ntshetsopele le thupelo eo DAC le kapa PanSALB di fanang ka yona.
Ho kgothaletsa tshebediso ya puo e tlwaelehileng Tshebeletsong ya Setjhaba.
Diyuniti tsa dipuo kaofela tse hlokwang ke Leano di lokela hore di be di hlomamisitswe mafelong a 2005.
Ho tla thehwa Foramo ya Naha ya Puo e nang le marangrang a tshebedisano a baemedi ba tswang mekgatlong ya mmuso le mekgatlong eo eseng ya mmuso. Foramo ena e tla kopana dikgweding tse ding le tse ding tse tharo. E tla botjwa ka baemedi ba tswang mebusong ya diprovense le ba tswang mmusong wa naha bao e tla ba karolo ya tshebetso ya ho kenngwa tshebetsong ka hanyane hanyane, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) le metheo ya teng. Ka lebaka la ho potlaka ho ka bang teng, moemedi ya tswang Lekgotleng la Dibaka tsa Thuto ya Thesheari o tla lokela hore a kene Foramong ena.
Sepheo sa Foramo ya Puo ke ho kgothaletsa puisano ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso dipakeng tsa basebedisi ba puo le ditsebi tlasa boetapele ba Lefapha la Bokgabo le Botjhaba. Maikutlo a tla tsepamiswa haholo kgokahanong ya metheo e fapafapaneng le ditshebeletso tabeng ya ho phethahatsa Moralo wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) ka sepheo sa ho eketsa kgokahano le tshebetso e ntle tshebedisong ya mehlodi. Foramo ena e tla fetoha lepatlelo moo ho fapanyetsanwang ka maikutlo le boitsebelo ka sepheo sa ho rala merero ya diprojekte le mesebetsi e meng e amanang le moo.
Mosebetsi o moholo wa Foramo e tla ba ho hlokomela mosebetsi wa phethahatso, le ho lekodisisa merero ya diprojekte ha mmoho le ho tadima tse lokelang hore di tliswe pele ho tse ding ekasitana le ho kganna matsholo a phatlalatso. Foramo e tla ba le mosebetsi wa ho theha marangrang a kgokano le tshebedisano ditabeng tsa phethahatso ya Leano la Puo. Ka hoo, maikutlo boholo a tla tsepamiswa ntshetsopeleng ya mareo le mererong ya diprojekte tsa puo ho thibela phetapheto efe kapa efe ya mekutu e etswang, mme ka ho etsa jwalo hona ho tla phahamisa poello matseteng a entsweng.
Ho etswa ha tlhahiso ya hore Foramo ya Naha ya Puo e amohelwe ka molao.
Lekgotla lena le tla kgethwa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji mme le tla botjwa ka motho a le mong ya thontsweng ke DAC, DoJ, PanSALB, SAQA, le Lekgotla la Thuto e Phahameng le batho ba tsheletseng ba thontshweng ke mekgatlo ya profeshenale le e meng sedikadikweng sena sa diphetolelo, botoloki, leksikhokrafi, mareo, tlhaolo ya diphoso puong le molao. Ditho tsa Lekgotla di tla ba tshebetsong nakong ya dilemo tse hlano, empa di tla kgona hore di ka abelwa mosebetsi kapa hona ho kgethwa hape nakong e fetang nako e le nngwe ya tshebetso. Lekgotla le tla hlomamiswa jwalo ka moifo wa molao ho latela Molao wa Palamente.
Sepheo sa Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa e tla ba ho phahamisa boemo ba profeshene ena le ho sireletsa boleng ba dihlahiswa. Lekgotla lena le tla sireletsa le setjhaba se sebedisang ditshebeletso tsa puo.
Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa le tla tsamaisa thupelo, kabo ya mangolo le ngodiso ya basebetsi ba puo ka morero wa ho phahamisa boemo ba profeshene ya puo le boleng ba dihlahiswa tsa puo ka beha le ho hlokomela maemo. Lekgotla le tla sebedisana le mananeo a thupelo a Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) le Balaodi ba Kabo ya Mangolo ba Afrika Borwa (SAQA).
Mekgwa e tla sebediswa ho phethahatsa Leano lena la Puo ke ntshetshopele ya mareo, phetolelo le tlhaolo ya diphoso, theknoloji ya puo, khoutu ya boitshwaro ya puo, tataiso ya ditshebeletso tsa puo, tlhakiso tsa puo le dipatlisiso, matsholo a temoso ya puo, Tshebeletso ya Phetolelo ya Founu ya Afrika Borwa, Pokello ya lesedi, ntshetsopele ya Puo ya batho ba sebedisang matsoho ho buwa, boithuto ba puo le ditekanyetso.
Phethahatso ya Leano la Puo e tla tswala hore ho be le tlhokeho e kgolo ya diphetolelo le tlhaolo ya diphoso, ntshetsopele ya mareo a makala a fapaneng a bophelo e tla hlokeha haholo, mme ho tla hlokeha tshebedisano le baamehi kaofela, diyuniti tsa puo le meifo ya puo (mohlala, dibopeho tse tlasa PanSALB tse kang diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi, meifo ya naha ya puo le dikomiti tsa provense tsa puo). Karolo ya Kgokahano ya Mareo (TCS) ya Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) e tla fumana tshebedisano ya sebele ka puisano le Foramo ya Naha ya Puo. Sesiu sa Naha sa Pokello ya Mareo sa khompeuta se tla thehwa ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ho thusa ka mokgwa wa hore ho finyellwe le ho qhalanngwa ha mareo ka dipuo tsohle tsa molao. Sesiu sa Mareo se tla kgona ho ka fihlellwa ka tsela ya Inthanete le se tla dula se ntjhafatswa bonyane hang ka kgwedi.
Tshebeletso ya Naha ya Puo nakong ya hona jwale e tshwarahane le merero e itseng ya diprojekte ka sepheo sa ho theha sesiu sa lesedi sa mareo a tshebediso ya dipuo tse ngata se kenyeleditseng mahlakore a fapaneng a lesedi, se nang le monyetla wa hore ho ka hlahiswa manane a mareo ka metswako e fapafapaneng ya puo ka sona. Ho latela ditlhoko tsa mosebedisi ya itseng kapa dikopo tsa mananeo a jwalo a mareo a ka boelang a fana ka lesedi le kang la ditlhaloso, dipolelo tseo eleng mehlala, moelelo, le mohlodi wa dikgatiso.
Ho tla kgothaletswa tshebedisano ya mahlakore a mangata le dinaha tsa Afrika e ka Borwa mabapi le ntshetsopele ya dipuo tse sebediswang ha mmoho le ba ka mose wane ho meedi ya rona.
Ha jwale ho bonahala ho na le metheo e sa phethahalang ya botoloki, diphetolelo, le tlhaolo ya diphoso. Leha diyuniti tsa puo di tla ba le seabo se seholo tharollong ya qaka ena ho fihlela kaekae, ho tla ke ho hlahlojwe sekgeo se seholo se teng dipakeng tsa tlhokeho le ho batleha ha ditshebeletso tsa puo ha mmoho le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse jwalo.
Tataiso ya Leano la Diphetolelo le Tlhaolo ya diphoso e reretswe ho fana ka tataiso diphetolelong tsa kahare, ntlheng ya ho hlaolwa ha diphoso le tlhatlhobong ya ditokomane ha mmoho le ho romela ditokomane tse lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete ka maikutlo a ho ntlafatsa taba ya ho finyeletsa tshebeletso le ho nehelana ka dihlahiswa tsa boleng bo hodimo.
Kaho ya bokgoni, haholoholo diphetolelong, tlhaolong ya diphoso, botoloking, ho leksikhokrafi le mareong, e tla hlokeha molemong wa katleho ya phethahatso ya Leano lena. Thupelo e mabapi le taolo ya tshebediso ya puo e tla rarollwa ke mananeo a thupelo a hlophisitsweg ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka tlatsetsano le bafepedi ba ditshebeletso ba nang le mangolo.
Ho tla buisanwa le bafepedi ba tshebeletso ka mananeo a tswang ka mothamo bakeng sa basebetsi ba sebetsang ka puo ba seng ba ntse ba le teng, mme ho tla fanwa ka matlole a thuso ya ditjhelete bakeng sa bathaotuwa ba batjha le basebetsi ba seng ba le teng ba puo. Mananeo a thupelo a tla kenyeletsa dithuto tse kgutshwanyane, mananeo a thupelo a batho ba seng ba ntse ba le mosebetsing le mananeo a thupelo a nako e feletseng.
Tshebedisano le SAQA, Lefapha la Thuto (DoE) le mekgatlo ya thuto, hara mekgatlo e meng, e tla ba ntho ya bohlokwa haholo ntlheng ya ho rarolla bothata ba kgaello ya basebetsi ba puo ba profeshenale. Ditlhoko tsa Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) di tla lokela hore di sekehelwe tsebe ha ho ralwa le ha ho nehelanwa ka mananeo a thupelo.
Tshebeletsong ya Setjhaba hore bahlanka bohle ba tshebeletso ya setjhaba ba ithute puo le ntshetsopele ya tsebo e ntle ya dipuo tse ding ntle le dipuo tseo ba di antseng letsweleng ke ntlha ya bohlokwa ya tshebetso e kgabane ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Lefapha la DAC le tla ntshetsa pele dikgothaletso tse itseng ka tshebedisano le PanSALB, DoE le DPSA e le ho kgothaletsa bahlanka ba setjhaba hore ba kgone ho sebedisa dipuo tse ngata ka ho ithuta le ho hlokomela dipuo tse ding hape.
Theknoloji e lokela hore e sebedisetswe ho thusa hore ho be le tshebedisano dipakeng tsa ba amehang puong ha mmoho le ho ntshetsa pele dipuo tsa kwano. Theepa ya Khompeuta e tshwanang le mananeo a khompeuta a word processing, mekgwa ya taolo ya mareo, le theepa ya mananeo a khompeuta a phetolelo e lokela hore e tsamaelane e le ho kgothaletsa phapanyetsano ya mareo le lesedi le leng le le leng dipakeng tsa diyuniti kaofela tsa puo le mahatammoho a mang a kang Hansard le Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs)?
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka morero wa ho arabela tlhokeho ya ho potlakisa ntshetsopele ya dipuo tsa kwano le ho fumana ekasitana le ho tsamaisa digital text e kgonang ho sebediswa hape le speech data, le tsitlalletse kaho ya bokgoni le ho nehelana ka moralo wa theknoloji ya lesedi. Dipuo tsa kwano di tla tshehetswa ke mawa a matjha a ntshetsopele a sebedisang theknoloji e ntjha, mateano a mahlakore a fapaneng le tshebediso?
Khoutu ya Puo ya boitshwaro ya bahlanka ba setjhaba e tla lokodisa ka moo bahlanka ba setjhaba ba lokelang hore ba buisane ka teng le ho tswakatswakana le setjhaba hore ba kgone ho fana ka tshebeletso e sebetsang hantle. Khoutu ya Puo ya boitshwaro e tla kenyeletsa le metheo ya Batho Pele ho latela ka moo Tshebeletso ya Setjhaba e nang le boitlamo ba ho nehelana ka lesedi le phethahatseng ka teng, le le nepahetseng ho setjhaba se hlokang thuso eo ka puo eo ba e utlwisisang hantle. Khoutu e tla toboketsa hore ha ho motho kapa mohlanka wa setjhaba ya lokelang hore a tehelwe ka thoko kapa a behwe ka mosing ka taba ya tshebediso ya dipuo.
DAC le DPSA mmoho le ho rerisana le mafapha a mang a mmuso, di tla ntshetsa pele le ho hasanya khoutu jwalo ka ha Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o lohothwang o entse monyetla o jwalo. Letona le tla phatlalatsa melawana e mabapi le khoutu ena Koranteng ya Mmuso ho ella mafelong a 2005.
Ha mmoho le taba ya phatlalatso Koranteng ya Mmuso, ho tla hasanngwa karolo ya puo e bonolo ho etsa bonnete ba hore bahlanka ba setjhaba ba lemoha khoutu eo.
Ho tla etswa lenane la ditshebeletso tsa puo (mohlala, pokello ya lesedi le nang le mabitso a mekgatlo ya boemedi/dikhampani kapa diyuniti tsa puo, ditshebeletso tsa diphetolelo, tlhaolo ya diphoso, le tshebeletso ya mareo ekasitana le moralo wa dipuo). Dikhopi tsa lenane lena di tla hasanngwa mafapheng a mmuso wa naha le wa diprovense, ha mmoho le mekgatlong ya puo ekasitana le diyunivesiting. Lenane lena le tla fumaneha le websaeteng ya DAC mme le tla dula le ntjhafatswa ho ya ho ile. Taolo e sebetsang hantle ya phethahatso ya leano e tla matlafatswa ke hore ho fanwe ka lesedi ka mehlodi e fumanehang ha mmoho le mekgatlo ya puo.
Ho boetse ho na le tlhokeho ya lepatlelo le tla sebediswa ke bohle kapa sesebediswa se reretsweng mosebetsi wa ho bokella le ho hasanya lesedi ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso, mekutu e etswang le ditshekamelo (boholo sena se lokela ho etsahala boemong ba naha, empa le boemong ba lebatowa (Afrika e ka Borwa) le boemong ba matjaba).
Maikemisetso ke ho ntshetsa pele phapanyetsano ya lesedi, le diphuputso ha mmoho le tshebedisano dipakeng tsa mekgatlo ya boemedi ya taolo ya puo ekasitana le bathong ba nang le thahasello. Ho phaella ho lengolo la ditaba le tla hlahiswa kgweding tse ding le tse ding tse tharo, ho tla thakgolwa le websaete e tla dula e hlokometswe.
Lesedi le loketseng le dinyehelo tse tswang ho baamehi le tla tsongwa haholo ke Tshebeletso ya Naha ya Puo (NLS).
Phethahatso e tswelang pele motjha o tjhele le e sebetsang hantle ya leano ha mmoho le tekolo e tla hloka lesedi le nepahetseng ka dipaterone tsa tshebediso ya puo le ditlwaelo tse teng hona jwale hore ho tle ho fumanwe matla le mefokolo ya Leano le ho hlokomela katleho. Dipatlisiso tsa Puo le ditlhakiso di tla thusa mmuso ho etsa qeto tse nang le kutlwisiso mabapi le Phethahatso ya Leano la Puo.
Diyuniti tsa puo di tla hlokeha ho etsa ditlhakiso tsa mahlale a teng a puo le bokgoni mafapheng a tsona kapa a provense. Lesedi lena e tla ba la bohlokwa haholo mabapi le ho thaotha, ho phethahatsa Khoutu ya Puo ya Boitshwaro le ho fumana ditlhoko le ditlhokeho tsa lefapha le ikgethang kapa provense.
Matsholo a temoso ya Puo a hlokeha hore ho tsosoloswe tjantjello ya setjhaba ditabeng tsa puo. DAC ka tshebedisano le PanSALB di tla dula di tshwara matsholo a temoso ya puo motjha o tjhele ho?
Diyuniti tsa puo (tsa naha le tsa diprovense), DAC le PanSALB di tla etsa matsholo a ikgethang a temoso ya puo. Mafapha a mmuso kapa bahlanka ba setjhaba ka lebaka la seabo sa ona sa bohlokwa phethahatsong ya leano la puo e tla ba ona a habilweng ho feta dilemong tse pedi tse qalang ho sekehela temoso ena ya puo tsebe ho feta. Matsholo a tobisitsweng setjhabeng ka kakaretso le ona a tla etswa ka nako yona eo. Theepa ya papatso ya mefuta e fapafapaneng (mohlala, dipapatso tse tla etswa dipampiring tsa dikoranta le mangolong a ditaba a tla qhalanngwa) mme ho tla etswa le dikgokahano tsa puisano le boraditaba mabapi le letsholo le leng le le leng.
Tikolohong ya moo ho sebediswang dipuo tse ngata botoloki ba founu bo thusa Mmuso ka mokgwa o baballang tjhelete wa ho rarolla bothata ba kutlwisiso ya puo le ho nehelana ka tshebeletso tse lekanang tseo ho fanwang ka tsona ke mmuso. Mokgwa ona wa ho toloka ke tsela e batlang e le bobebe le e baballang tjhelete ya ho notla tsela e neng e lokela hore e tsamauwe ho leba sebakeng seo tshelebeletso e hlokehang ho sona ka ho kgona ho fumana toloko founung. Botoloki ba founu bo loketse haholo tikoloho ya Afrika Borwa moo ho sebediswang dipuo tse ngata, moo monyetla wa thuso ya ditshebeletso tsa puo o ka hlokehang ka nako e kgutshwanyane maemong a tshohanyetso le dintlheng tsa moo ho thuswang batho jwalo ka ditliniking le diteisheneng tsa mapolesa, moo dipuo tse tla hlokeha le nako ya ditherisano e batlang e sa tsejwe.
Nakong ya jwale DAC e ntse e tshwere Tshebeletso ya Botoloki ba Founu ba Afrika Borwa (TISSA) ya teko ka morero wa ho fuputsa monyetla wa tshebeletso ya botoloki ba founu mona Afrika Borwa. Tshebeletso ena e ntse e hlahlojwa diteisheneng tse 70 tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le boemong ba mmuso wa selehae ditliniking tse 11 tse itseng le dikhaontareng tsa tshebeletso ya batho tse 8 tsa Lekgotla la Motsemoholo wa Tshwane.
PanSALB e se e hlomamisitse di-NLB ho ntshetsa pele, ho kgothaletsa le ho fumana dikarolo tse lokelang ho tadingwa pele ho tse ding bakeng sa ntshetsopele ya puo tsa Khoe, San le Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ka sepheo sa ho phahamisa boemo ba dipuo tsena. Metheo e meng e teng e kgothaletsang ntshetsopele ya Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ha mmoho le merero ya diprojekte tsa mose wane ho meedi ya rona e tla tshehetswa le yona. Tshebedisano ya baamehi e tla ba ya bohlokwa haholo mabapi le taba ena.
Boraditaba ba tla ba le seabo se seholo ho tlisa temoso ka Moralo wa tshebetso wa Leano la Puo. Sepheo sa ho sebedisa boraditaba e tla ba ho toba setjhaba ka morero wa ho ba ruta ka dikahare tsa Leano hore ba be le kutlwisiso e nepahetseng ya ditokelo tsa bona le boikarabelo ba bona. Thuso ya boraditaba ka letsholo lena la ditaba tsa Leano la Puo e tla matlafatswa. Ho phaella hodima ditaba tsa dikoranta le tsa ilektroniki, ho tla sebediswa websaete ya DAC ho bapatsa tshebediso ya dipuo tse ngata. Mafapha a mang a mmuso le ona a tla kgothaletswa ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tse ngata diwebsaeteng tsa ona ha mmoho le dikgatiso tsa kantle.
DAC e tla sebedisa SABC le boraditaba ba bang ba dikgokahano jwalo ka diteishene tsa poraefete tsa radio ho kgothaletsa tshebediso ya tshebediso ya dipuo tse ngata. Mohlala, NLS nakong ya jwale e tshwere letsholo la morero wa projekte ya ntshetsopele ya mareo le seteishene se seng sa baahi.
Kakanyo ya ditshenyehelo tsa morero ona e ileng ya etswa ke Ramatlotlo wa Naha le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka 2001 e ile ya bontsha hore ditshenyehelo tse akanywang tsa phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata ka mokgwa o sebetsang ke tse ka kgonehang mme di ka etsetswa monyetla ka ho tlisa diphetoho tse nyenyane feela ditekanyetsong tse rerilweng tsa ditjhelete. Kakanyo ya ditshenyehelo e ile ya etswa ho latela mokgwa wa ho potolosa dihlopha tse nne tsa puo mme ho ile ha fumanwa hore sena se tla hloka keketso ya ditekanyetso tsa ditjhelete e ka tlase ho 1%. Tshebediso ya dipuo tse tsheletseng, ho latela NLPF, e tla tlisa ditshenyehelo tse batlang di le hodimonyana empa di keke tsa tlola 2%.
Mekgatlo yohle ya mmuso e lokela hore e nehelane ka tshehetso e lekaneng ya ditjhelete bakeng sa phethahatso ya Leano la Puo le tsamaelanang le didikadikwe tsa Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete wa Nako e Mahareng (MTEF), ka mokgwa o tla kenngwa ka hanyane hanyane ho tloha maqalong a selemo sa ditjhelete sa 2003/4.
Theepa ya boemo bo tlwaelehileng e kang ya Tsamaiso (mohlala, ho tloswa ha basebetsi ho ba isa sebakeng se seng sa tshebetso, ho tsamaya ha bona, bodulo, ofisi le ditshenyehelo tsa founu), le palo ya theepa e teng polokelong (dibukana, kgatiso, ho etswa ha ditokomane, theepa e sebedisetswang ho ngola, theepa ya ofisi) theepa e nngwe e kang (dikhompeuta, theepa ya odiyo, theepa ya founu), kaofela ke dintho tse nang le tshusumetso ditshenyehelong.
Lenane le bontshitshweng setshwantshong se ka tlase le fana ka kakanyo ya ditshenyehelo le papiso ya tsona bakeng sa yuniti ya puo ka nngwe e kenngwa ka hanyane hanyane nakong ya MTEF.
Mohlomong e tla ba ntho ya bohlokwa hore ho hlaloswe hore mosebetsi ona o tla kenyeletsa dintho dife leha ho ntse ho nketswe hloohong hore Mafapha a tla phethahatsa NLPF ho latela METF. Tshebetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete ya METF e simolla ka tlhohlomiso le tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tseo ho nehelanwang ka tsona pele ka Mmesa. Tjhoriso e tsamaelanang le moralo wa tshebetso wa moruo o batsi, leano la ditekanyetso tsa ditjhelete le DoR e tla etswa ho tloha ka Phupu ha Komiti ya Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEC) yona e tla boela e etsa dikgothaletso tsa yona. Tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tse nang le dintlha le ditokomane di tla etswa ka morao hoba Moralo wa tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEF) o ananelwe nakong ya Mphalane ya 2003.
Ngodiso ya leano tshebetsong ya naha le ya diprovense ya dintho tse lokelang hore di tadingwe pele ho tse ding.
Lefapha le nkele hloohong leano le moralo o batsi wa phethahatso.
Ntlha ya hore Lefapha le lokise moralo wa phethahatso le ho lekanya ditjhelete tsa ditshenyehelo.
Ntshetsopele ya kakanyo ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Lefapha.
Ho fumana mehlodi ya ditjhelete.
Mafapha le diprovense a tla jara boikarabelo ba ho etsa ditekanyetso tsa phethahatso ya NLPF mahlakoreng a fapaneng a puso ya ona.
Mafapha a tshebetso a tla thaotha moifo wa basebetsi ba Diyuniti tsa Puo mme DAC e nehelane ka thupello ho bona ba se ba ntse ba sebetsa boikarabelong ba bona, yona e tla sebedisana le bahlanka ba PanSALB. Mananeo a thupelo ya molao a tla ntshetswa pele (tadima 2.2.2).
Ho tla ba le diphapano tsa boholo ba diyuniti tsa mafapha a fapaneng ha mmoho le diprovense. Palo ya basebetsi ba sebetsanang le puo e hlokehang yuniting e nngwe le e nngwe ya puo e tla lokela hore e laolwe hore e kgeme le mananeo a Lefapha le a diprovense a dikgatiso ha mmoho le ditekanyetso tsa ditjhelete.
Boholo ba diyuniti tsa puo di tla tsepamiswa ke lenaneo la mosebetsi ha mmoho le bokgoni bo hlokehang ho tsamaisa le ho phethahatsa Leano. Mohlala, karolo ya moifo wa basebetsi e tla lokela hore e kenyeletse bafetoledi, bahlaodi ba diphoso, baradi ba puo, ba sebetsanang le mareo, ba leksikhokrafi, jwalo jwalo.
DAC e lemoha hore phethahatso ya Leano e tla tlisa diphephetso tse kgolo. Leha ho le jwalo Lefapha le tla itshetleha haholo tshebedisanong ya mahlakore kaofela a amehang hore a phethahatse maikemisetso ohle a boletsweng.
Khoutu ho latela ditlhoko tsa Leano.
Tshehetso ya setjhaba ho latela tseko?
Moralo wa phethahatso o thehilwe hodima kgopolo ya hore Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o tla qala ho sebetsa ka Loetse 2003.
<fn>sot_Article_National Language Services_Lefapha la Bonono le.txt</fn>
Puo ya motho ka mekgwa e mengata ke letlalo la hae la bobedi; thepa ho latela tlhaho ya motho, eo ka yona re hlahisang tseo re di habileng le mehopolo, ho ntsha maikutlo le makgabane a rona, ho hlahloba boiphihlelo le meetlo ya rona, le ho aha setjhaba le melao e se laolang. Ke ka puo re kgonang ho sebetsa jwalo ka batho lefatsheng le fetohang mehla ena. Tokelo ya ho sebedisa dipuo tsa semmuso tsa boikgethelo ba rona e a hlahella Biling ya Ditokelo, mme Molao wa rona wa Motheo o dumela hore dipuo tsa batho ba rona ke mohlodi oo re lokelang ho o laola le ho o sebedisa?
Ke motlotlo ka tsela e ikgethang hore, qetellong ya ditherisano, re be re kgona ho phatlalatsa moralo wa leano la puo wa Afrika Borwa. Sena ke ho phethela tshebetso e qadileng ka 1995, ha ke ne ke thonya Sehlopha sa Tshebetso sa Moralo wa Puo (STMP) ho nkeletsa ka moralo o kopaneng wa leano la puo. Mohato ona e bile wa bohlokwa ho latela ho hloka mamellano ya ho fapana ha dipuo le maikutlo a reng tshebediso ya dipuo tse fapaneng e ja tjhelete e ngata a bonahalang a hlahella ka hara dikarolo tse itseng tsa setjhaba, le nyefolo e atileng ya tshekamelo ya tshebediso ya puo e le nngwe Afrika Borwa ya batho ba nang le tjantjello le ngongoreho ka puo ya bona?
Moralo wa Naha wa Leano la Puo o thehilwe hodima sephetho sa ditherisano tsa rona, bobedi STMP le boiteko ka mora moo, ba Lefapha la ka tshebedisanong le Leano la Moifo wa ka wa Boeletsi Leanong la Puo. Moralo wa leano ke wa motheo tsamaisong ya mehlodi ya rona ya puo le katleho ya mmuso sepheong sa ona sa ho kgothalletsa demokrasi, toka, tekano le kopano ya setjhaba. Ke ka moya ona ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa semmuso tse 11 tsa naha ya rona e leng mokokotlo wa leano jwalo ka ha ho hlophilwe Molaong wa Motheo.
Moralo ona wa Leano o hlokometse ntlha ya hore bohlokwa ba maleme a rona bo sutjwa ke tshebediso ya ona moruong, kahisanong le dipolotiking. Ha puo e lahlehelwa ke bohlokwa ba yona dikarolong tsena, maemo a yona a theoha. Moralo wa Leano o boetse o hlokometse le hore re tobane le phephetso boemong ba lefatshe ka kakaretso le hore dipuo tsa rona tsa selehae di lokela ho ba karolo ya tikoloho e atolohang ka potlako ya theknoloji. Ke kahoo o reretsweng ho tiisa maemo le tshebediso ya maleme a selehae a Afrika Borwa.
Ke tshepa ke tiile hore baahi bohle ba Afrika Borwa ba tla amohela Moralo ona wa Leano la Puo wa Naha jwalo ka wa bona. Ke dumela hore ka kopanelo re lokela ho netefatsa hore leano e ba ntho ya nnete maphelong a rona, o tiisa le ho re etsa motlotlo ka borona bo ikgethang ba ho ba MaAfrika Borwa.
Ke dipuo tse ka bang 25 tse buuwang Afrika Borwa, tseo tse 11 tsa tsona di fuweng maemo a ho ba tsa semmuso ho latela Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo, Molao wa 1996 (Molao wa 108 wa 1996), ka baka la hore tshebediso ya tsona e kenyelletsa 98% ya baahi bohle ba naha.
Afrika Borwa ke naha e sebedisang dipuo tse ngata. Ntlha e hohelang maikutlo ka ho fetisisa ka dipuo tse ngatangata tsena tsa Afrika Borwa ke hore bongata ba dipuo tsa selehae di buuwa ho tshela le meedi, di arolelanwa ke batho ba diprovense tse fapaneng.
Ha jwale ho na le ntlha e hlokometsweng haholo ya tlhokeho ya ho tiisa diteko tsa ho ntshetsapele dipuo tsa selehae tse neng di tinngwe menyetla ho le kgothalletsa boemo ba puo tse ngata ha e ba e le hore baahi ba Afrika Borwa ba tlameha ho lokollwa ho itshetleheng ho sa hlokeheng tshebedisong ya dipuo tseo e seng tsa selehae jwalo ka tse phahametseng tse ding, tsa semmuso tsa mmuso.
Ho fihlela fihla jwale tsamaiso ya phapang dipuong Afrika Borweng e se nang kgethollo e sitisitswe ke ho se be teng ha leano la puo le hlakisitsweng hantle, ho lebisitseng ho sebedisweng ha Senyesemane le Seburu e le tse phahametseng tse ding moruong wa setjhaba le dipolotiking tsa setjhaba sa rona.
Ka mora dilemo tse robedi tsa demokrasi, Afrika Borwa e fihlelletse ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya baahi ba Afrika Borwa moo ba lokelang ho ba le boikarabelo ba phapang ya puo le setho sa bona le diphephetso tsa dipuo tse ngata tsa molao wa motheo, ke ka hona ho ileng ha etswa tsebiso ya Moralo ona wa Leano la Naha la Puo.
Moralo wa Leano ha o sibolle feela mokgwa wa ho sebetsana le dipuo tse ngata Afrika Borwa empa o kgothalletsa ka matla tshebediso ya dipuo tsa selehae jwalo ka dipuo tsa semmuso hore ho ntshetswepele le ho kgothalletsa kopano naheng. O hlokometse le kamohelo ka bophara ya dipuo tse ngata, toka setjhabeng, molawana wa phumantsho e lekanang ya ditshebeletso le mananeo a setjhaba, le tlhompho ya ditokelo tsa puo.
Tokomane ena e beha moralo o dumellang tshebediso e kopaneng ya dipuo tse ngata e teng tataisong ya Molao wa Motheo.
Ho tloha mohlang ho ne ho fihla Madatjhe Afrika Borwa ka 1652, ho ya ka puso ya dilemo ka tatellano ya Mabrithani, Kopano ya Afrika Borwa, le ka mora moo, ho thehwa ha mmuso wa kgethollo le Rephaboliki ya Afrika Borwa, mme ka ho fihla ha demokrasi ka 1994 le dipehelo tsa Molao wa Motheo wa kananelo ya boemo ba semmuso ba dipuo tse ngata, leano la mmuso la puo le boraditjhelete ba matla di ile tsa hloleha ho ananela ho ba teng ha dipuo tse ngata Afrika Borwa.
Maemo ana a ile a etsa hore ho be le ho se lekane ha dipuo le hore dipuo tse ding di okamele tse ding moo dipuo tsa Senyesemane le Seburu di qadileng ka kamano ya ho se lekane pakeng tsa tsona le tsa Afrika.
Ka tsela e jwalo, maano a bokoloniale le kgethollo, ha mmoho le a sepolotiki le moruo wa setjhaba, a ile a etsa hore ho be le kgolo ya ho se lekane ha dipuo, e bontshang ho phahamelana ha dipuo, ho se lekane ho hlahellang maemong a borabe le dihlopha tseo e bileng letshwao la setjhaba sa Afrika Borwa.
Diketso tsena kaofela di ile tsa tsosa boemo bo ileng ba latela ba dipuo tsa selehae le batho ba dipuo tse fapaneng tsa Afrika hammoho le tse ding tsa dihlopha tse tinngweng meyetla ho kenyelletswa Ditholo le Difofu ho bakileng kgatello ya tshebediso ya mefuta e sa fetoheng ya dipuo tsa Afrika, tse sa tsejweng, e seng feela ke ba buang Senyesemane le Seburu empa le ke bongata ba dibui tsa puo tsa Afrika ka botsona?
Maemo a rarahanngwa ke ntlha ya hore, ka baka la tlhokeho ya ponelopele le taolo ka lere la tshepe ntlheng ya ho sebediswa ha dipuo tse ngata, ditsha tsa setjhaba le tsa poraefete di na le tlwaelo ya ho etsa diqeto tsa nakwana ka ha puo tse sa dumellaneng le dipehelo tsa molao wa motheo le ditlhoko tse mabapi le dipuo.
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e na le dipehelo tsa sehlooho tsa moralo wa semolao bakeng la dipuo tse ngata, ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso le phahamiso ya tlhompho le mamellano bakeng la diphapang tsa puo Afrika Borwa. E hlalosa ditokelo tsa puo tsa baahi, tse lokelang ho hlontjhwa ka maano a naha a puo.
Molao wa Motheo o hatella hore dipuo tsohle tsa semmuso di lokela ho fuwa tlhompho e lekanang mme di tshwarwe ka ho lekana, ka ho etsa jwalo ho ntlafatswe maemo le tshebediso ya puo tsa selehae, ka mmuso o tlang ho kenya melao le maano a mang ho laola le ho beha leihlo tshebediso ya dipuo tsa selehae tse se nang menyetla?
Molao wa Motheo o fana ka matla maemong ohle a tshebediso ya puo naheng ka bophara, o fana ka tlhompho setjhabeng le dipolotiking ho dihlopha tsa puo tse hlokileng menyetla ka ntlha ya ditlhoko tse hlalositsweng tsa setjhaba le dihlopha tse nang le maikutlo a tshwanang?
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e batlana le mekgwa e ka sebediswang ya ho ntshetsapele dipuo tsena tsa selehae.
Karolo 6 le di na le dipehelo tse mabapi le puo bakeng la mmuso wa naha le diprovense, moo e leng hore mafapha a mmuso a lokela ho sebedisa bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso.
Ho kgothalletsa dipuo tse fapaneng ho feta, karolo ya 6 e na le dipehelo tsa ho thehwa ha Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (LDTAB) ho kgothalletsa dipuo tsohle le ho bona hore ho ba le ntshetsopele le tshebediso e seng feela ya dipuo tsa semmuso, empa le tsa Khoi, Nama le San, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. LDTAB e tla jala tlhompho bakeng la Dipuo tsa Bojalefa tse buuwang ke dikarolo tse itseng tsa setjhaba sa rona, le bakeng la dipuo tse sebedisetswang sedumedi.
Dipehelo tse ding tsa dintlha tsa puo di teng kaekae Molaong wa Motheo. Karolo ya 9 e fana ka tshireletso kgahlano le kgethollo e seng molaong ho latela puo, ha dikarolo 30 le 31 di le mabapi le ditokelo tsa batho ho latela setho, bodumedi, le tshebediso le ho thabelwa ha puo. Karolo 35 le di mabapi le ditokelo tsa puo tsa batshwaruwa, ba kwalletsweng le baqosuwa, ka kgatello e ikgethang ya tokelo ya nyewe e hlokang leeme ka kopano e tshwarwang kapa e tolokwang ka puo ya boikgethelo ba motho.
Lefapha la Thuto (LT) le kentse Leano la Puo Thutong (LPT), le hatellang tshebediso ya dipuo tse ngata jwaloka katoloso ya bongata ba ditho le leo e leng karolo ya bohlokwa kahong ya Afrika Borwa e se nang morabe. Motheo o ka sehloohong ke ho boloka puo ya ka lapeng ya moithuti e le yona ya ho ithuta le ho ruta, empa baithuti ba kgothalletswa ithuta dipuo tse ding. LPT sebetsana le dintlha tse kang puo ya ho ithuta le ho ruta dikolong tsa setjhaba, mananeothuto a sekolo le mesebetsi e mabapi le puo ya mafapha a diprovense a thuto le makgotla a tsamaiso ya dikolo?
Molao wa Motheo le melao e tshwanang le ona e sebeletsa ka ho hlaka ka kgothalletso ya dipuo tse ngata ka hara Afrika Borwa. Moralo ona wa leano o lokela ho sebeletsa ho kopanngwa ha leano la puo ka ho phethahala maemong ohle a mmuso le ho beha ka ho hlaka maemo a leano ka maemo le tshebediso ya puo tsa selehae diprovenseng tsohle tse robong tsa Afrika Borwa.
Leano la puo le ela hloko dipehelo tsa molao wa motheo mabapi le dipuo tse ngata mme le sebetsa ho latela merero ya mmuso ya moruo, dipolotiki tsa setjhaba le kgolo thutong.
ho kgothalletsa ho ithuta dipuo tse ding tsa semmuso tsa selehae hore ho kgothalletswe kopano setjhabeng, tshebedisano puong le sethong; le ho kgothalletsa tsamaiso e loketseng ya puo bakeng la tsamaiso ya ditshebeletso tsa setjhaba hore ho tle ho fihlellwe ditebello le ditlhoko tsa setjhaba.
ho thibela ho sebedisa puo le ha e le efe bakeng la tshebetso, ho okamela le kgethollo; le ho eketsa tshekamelo ka bathong ha ho buuwa ka tse molemong, ditlhoko le ditebello tsa ho phatlalla le batho ba sebetsang ka puo ka ditherisano.
Ho kgothalletsa dipuo tse ngata tsa Afrika Borwa ho hloka diteko tse sa nyatseng tsebo e seng e le teng setjhabeng moo dipuo tsa semmuso tsa selehae di leng ngata teng. Sena se tla tsamaiswa ka tshebediso le seabo sa setjhaba tshebetsong ya ntshetsopele ya puo.
Ho lebelletswe ho rerisana le ditsebi tsa puo ho thusa ntshetsopeleng ya mananeo a tshebediso ya puo tse ngata ka ho etsa diphuputso le ho ntshuwa ha tsebiso ka tsona.
Ho tsamaisa tshebedisano le karolelano ya boikarabelo pakeng tsa dinaha tseo e leng ditho tsa LNAB ho tla matlafatsa ntshetsopele ya puo.
Ho tla ba bohlokwa ho lekola botjha leano hore ho behwe leihlo kgatelopeleng e lebisang setjhabeng sa dipuo tse ngata ka ho phethahala.
Mokgwatshebetso o thehilweng ka setjhaba ho phahamisweng ha dipuo tse ngata ke ntho e ka kgonehang ka ho fetisisa, ha ho shejwa hore Afrika Borwa ke naha ya batho ba bangata. Ho lokela ho ba mokgwatshebetso o phatlalladitsweng le o etsang hore moralo wa puo le ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo, ho kenyelletsang tsebo ya theknoloji ho fana ka tsebo le bokgoni ba mosebetsi.
Makala a mmuso ohle (naheng, provenseng le mmusong wa lehae), ha mmoho le ditsheng tse nang le matla setjhabeng kapa tse nang le mosebetsi setjhabeng ho latela molao, di tlanngwa ke Moralo ona wa Leano la Puo.
Ho phahamiseng dipuo tse ngata, diprovense di tla rala maano a tsona ho latela ditataiso tse leng Moralong ona wa Leano, ho ntse ho shejuwe mabaka a tikoloho, ditlhoko tsa setjhaba le tse ka sehloohong ho sona, jwalo ka ha ho hlahella Molaong wa Motheo.
Mebuso ya mahae e tla kgetha puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba sa yona ka hara moralo wa leano la puo la provense o etsang hore ho be le kgonahalo e jwalo. Ha ho se ho kgethuwe puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba, mebuso ya mahae, ka puisano le setjhaba sa yona, e lokela ho ntshetsapele, ho phatlalatsa le ho kenya tshebetsong leano la dipuo tse ngata.
Dipuo tsa semmuso di tla sebediswa ho latela pehelo tsa molao, mererong yohle ya semmuso, ho kenyelletsa kgatiso ya dibuka tsa Hansard, e le ntlha ya tokelo: Ha feela ntlheng ya makgotla a ketsamolao a provense, mabaka ho latela tikoloho etsa hore ho kgethwe hore na ke (di)puo dife tse ka sebediswang.
Mmuso o tla kgothalletsa, mme moo ho hlokehang tshehetso, makala a poraefete ho ntshetsapele le ho kenya tshebetsong maano a ona a puo a ntse a ikamahantse le moralo wa naha wa leano la puo.
(Di)puo tsa/ya tshebetso/rekoto: Ka tumellano, lekala ka leng la mmuso le lokela ho dumellana ka puo ya tshebetso (bakeng la bobedi puisano ka hare le ka ntle ho lefapha), ha feela moo ho kgonehang ho se na motho ya tlang ho thibelwa ho sebedisa puo ya hae kapa ya kgetho ya hae. Bakeng la ho ka tshwara dikopano kapa mesebetsi e itseng ka ho qolleha, ho lokela ho etswa matsapa ohle ho sebedisa mekgwa ya ho tsamaisa puo e kang phetolelo le/kapa ho toloka (bobedi ka tatellano le hanghang, ha mmoho le ho toloka ka ho nyenyetsa) moo ho ka kgonehang teng.
puisano le setjhaba: Bakeng la dikgokahano tsa semolao, puo ya kgetho ya moahi e lokela ho sebediswa. Puisanong ka molomo yohle e lokela ho etswa ka puo ya kgetho ya bamamedi bao ho buuwang le bona. Ha ho kgoneha, matsapa a lokela ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho kgonahatsa puo tse tshwanang le ho toloka (ho tlwaelehileng, hwa hanghang, ka fonofono kapa ho nyeyetsa) moo ho kgonehang.
Dikgatiso tsa mmuso: Lenaneo la dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela ho latelwa ke mafapha a naha a mmuso maemong ao e leng hore ha ho hlokehe kgatiso ka dipuo tsohle tse 11.
Moo e leng hore ho na le tshebetso e phethahetseng le e tsitsitseng mmusong maemong le ha e le afe, ho hlokeha phetiso ya tlhahisoleseding ka botlalo, e lokelang ho hatiswa ka dipuo tsohle tse 11 diprovenseng, ka dipuo tsohle tsa semmuso tse boletsweng.
Moo e leng hore ditokomane tsa mmuso ha di na ho ba teng ka dipuo tse 11 tsohle tsa semmuso, mafapha ohle a mmuso wa naha a lokela ho phatlalatsa ditokomane hanghang ka bonyane dipuo tse tsheletseng.
Molawana wa tshebetso ka ho potoloha o lokela ho sebediswa ha ho kgethwa dipuo tseo ho tlang ho hatiswa ditokomane tsa mmuso ka tsona dihlopheng tsa puo tsa Nguni le Sesotho.
Puisano boemong ba matjhaba: Puisano mmusong boemong ba matjhaba e tla etswa ka Senyesemane kapa nakwana, e tla etswa ka puo e kgethilweng ke naha e amehang.
Ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo ho tla eketsa tlhokeho ya mosebetsi wa ho fetolela le tlhophiso ha mmoho le ditshebeletso tsa ho toloka, haholoholo dipuong tsa selehae. Tsebo e tebileng ya phetolelo dipuong tsena e tla lokela ho eketswa ka bobedi mafapheng a mmuso le boemong ba poraefete, k.h.r. ba batho ba itshebetsang puong jwalo ka bafetoledi, bahlophisi le ditoloko. Tlhokeho e eketsehileng ya ditshebeletso tsa basebetsi ba seprofeshenale ba puo e tla hloka kwetliso boemong bo hodimo bakeng la tsebo ya mosebetsi.
Ho thehwa ha diyuniti tsa puo lefapheng ka leng la mmuso le provenseng kang ho tla ba le kgahlamelo mesebetsing ya Ditshebeletso tsa Naha tsa Puo (DNP) ka bophara. DNP di tla lokela ho tsamaisa botsamaisi ba ho kenngwa tshebetsong ha leano ka ho tsamaisa kwetliso bakeng la basebetsi ba yuniti ya mesebetsi ya thero ya puo le tshehetso ya mananeo a diyuniti tsena. DNP e tla lokela ho boela e jara boikarabelo ba ho tsamaisa ntshetsopele ya mananeo a ntshetsopele bakeng la bafetoledi, bahlophisi le ditoloko, le ho theheng ditataiso tsa tshebetso dintlheng tse mabapi le boleng.
Dintlha tsa thuto ya tlotlontswe le tlotlontswe ka boyona le tsona di tla ameha. Keketseho mosebetsing wa ho fetolela e tla hloka ntshetsopele e eketsehileng ya tlotlontswe dipuong tsa semmuso le Banka ya Tlotlontswe ya Naha e fihlellehang ho bobedi mmuso le basebetsing ba itshebetsang ba puo.
Phihlello ya lekala la theknoloji ya puo ya batho (TPB) (mohlala ke phetholelo ka thuso ya motjhini, polokelo ya phetolelo, sesebediswa sa tlhahlobo ya mopeleto) bakeng la dipuo tsa selehae e tla ba le karolo ya bohlokwahadi tshehetsong ya tsamaiso ya mesebetsi e mabapi le puo.
Ho kgethwa ha boholo ba diyuniti ho tla etswa mme kwetlisetso ya tsebo ya mosebetsi ntlheng ena e tla behwa ka sehlohlolong ka mora ho lekola lenane la dipuo tsa semmuso tse lokelang ho etswa. Diyuniti tse sebedisang batho ba bane kapa ho feta ba profeshenale, di tla hloka ditlereke.
Kaho ya bokgoni ba mosebetsi dibakeng tse hlwailweng tsa tsamaiso ya puo e tla etswa ka tshebedisano e matla le ba fanang ka ditshebeletso ba kang ditsha tsa thuto e phahameng tse fanang ka mananeo a ananelwang ke LDAB le dithuto tshebedisong ya puo, phetolelo le bohlophisi, ho toloka, thero ya puo, thuto ka tlotlontswe le thuto ka ho ngolwa ha bukantswe.
Ho kenngwa tshebetsong ho tswelang pele ha leano nakong e kgutshwane, bohareng le e telele ke lewa le ratwang maemong ohle.
Mabapi le kgatiso tsa mmuso, ho kenngwa tshebetsong ho tla etswa ho latela maemo le ka ho phethahala ke makala a mmuso bonyane nakong ya dilemo tse tharo. Molemo wa mokgwa wa ho a kenya tshebetsong hanyane ka hanyane ke hore mafapha a tla kgona ho eketsa ntshetsopele ya bokgoni ba mosebetsi le ho tsamaisa mosebetsi wa ho a kenya tshebetsong ka ho phethahala.
Makala a mmuso a tla ba le nako ya ho rala ditekanyetso tsa ona a ntse a di eketsa hanyane ka hanyane nakong ya MDNB le ho rala mekgwatshebetso ho latela mehlodi e hlokehang ho etsetsa katleho ho kenngweng ha leano tshebetsong.
Ho beha leihlo mekgwa ya ho netefatsa phetolelo e nang le boleng le ditshebeletso tsa bohlophisi di tla ntshetswapele.
Ka tshebedisano le LDTAB, Lefapha la Bonono le Setho di tla beha tshebetso leihlo mme di tla fana ka tlaleho nakong tse behuweng ho baokamedi ba loketseng.
Tekolobotjha ya leano e tla etswa kgafetsa mme dikgothalletso di etswe bakeng la ditokiso moo ho leng bohlokwa hore ditekanyetso di eketswe ka nepo.
Disebediswa tse hlokehang hore leano le tle le kenngwe tshebetsong.
puisano ka mangolo le setjhaba; le puisano boemong ba matjhaba moo ho lokelang.
Mekgwa e meng ya ho a kenya tshebetsong e tlang ho sebediswa ke Metheo ya Boitshwaro ya Basebeletsi ba Mafapha a Setjhaba, ho thehwa ha Lekgotla la Basebetsi ba Puo la Afrika Borwa, Ditshebeletso tsa Botoloki ka Mohala tsa Afrika Borwa (DBMAB), ntshetsopele ya mawa a dipuo tse neng di tinngwe menyetla pele le Leano la TPB.
taolo ya profeshene ya tsamaiso ya puo, e leng phetolelo, botoloki le tlotlontswe, ka ntlafatso le melao e loketseng.
tshehetso ya diteko le/kapa mananeo a ho ntlafatsa dipuo tsa selehae tse neng di tinngwe menyetla, k.h.r, dipuo tsa Afrika le dipuo tsa Khoi, San le Nama, ha mmoho le puo ya Matsoho ya Afrika Borwa; le tshehetso ya ho ithuta le ho ruta dipuo tsohle tsa semmuso mekatong yohle ya sekolo.
Ho phahamiswa ha puo ka dipapetla, tekanyo le tlhaloso ya mesebetsi hoo puo e ka sebediswang ditabeng, thutong, molaong le tsamaisong, jj. le ho fana ka bonamo bo akaratsang ba phatlalatso ya dibuka ka puo eo.
Ho etsa ditokiso puong le/kapa mokgweng wa ho ngola dingolweng.
Boleng ba toka, tlhokeho ya tshekamelo; tshebetso e lekaneng; se hlokang leeme le ho loka.
Sena se supa kgetho ya (di)puo e itseng boemong bo ikgethileng, e etswang ka baka la maemo ao puo e sebediswang ho ona, k.h.r.
Dipuo tseo e seng tsa selehae tsa naha empa tse tlileng le melata.
Boemong ba Afrika Borwa, tsena ke dipuo tse ileng tsa fuwa maemo a tlase ke dithlopha tsa tse matla le tseo, ka lebaka leo, di neng di sa sebedisetswe kapa ho ntlafatswa hore di ka sebedisetswa ditaba, thuto (ka mora poraemari e tlase sekolong), kapa dibakeng tse loketseng moruo wa setjhaba. Ho bile le tshehetso e nyane e fuwang ntshetsople ya bonono ba ka molomo dipuong tsena. Di kenyelletsa dipuo tsa selehae, bojalefa le PMAB.
Tshebediso ya tsebo ya puo ntshetsopeleng ya ya tshebetso ya khompyuta tse ka kgonang ho hlwaya, ho utlwisisa, ho hlalosa, le kgodiso ya puo ya batho ka mahlakoreng ohle, k.h.r. ntshetsopele ya tshebetso e etsang hore ho be le kgonahalo ya hore batho ba sebedisane le dikhompyuta.
Puo eo e leng ya sethatho ya naha.
Tshebetso ya ho fetola se qapodisitsweng ho tswa puong ya sethatho ho iswa ho e nngwe ka tsela ya puo.
Ho ela hlooko ka moo puo e sebediswang ka teng setjhabeng, hore na ba e sebedisang ba fuwa ditokelo tsa bona tsa puo na, le hore puo e sebediswa jwang ho matlafatsa kapa hona ho amoha matla.
Ho ya ka seriti, dipuo tsohle di a lekana. Tshwaro ka ho lekana ya dipuo tse pedi kapa ho feta, haholoholo mabapi le maemo a tsona a semmuso setjhabeng jwalo ka molaong, tokeng, tsamaisong ya setjhaba le thutong.
Phano ka ditshebeletso ka puo ka ho lekana le/kapa tshwaro ya bobedi kapa ho feta ya tsona. Dintlha tse kang lenane la batho ba e buang le maemo ao e buuwang ho ona di ka ba le kgahlamelo leanong le hlalosang dibaka tsa tshebediso ya puo e itseng. Tshebediso ena e keke ya lekana ha kaalo. mmuso o keke wa sebedisa dipuo tsa baahi kaofela ka ho phethahala mme ka baka leo o ka ngotla tshebeidso ya ona ya dipuo ka ho sebedisa (di)puong tsa/ya semmuso, kapa dipuong tse itseng, ho latela tlhokeho (Turi, 1993:14-15)?
Thero ya puo e tsepame hodima ditharollo mathateng a puo ka ho hlahisa dipheo, mekgwa ya ho di fihlella le diphetho. E kenyelletsa tshebetso ya ho laola le ho ntlafatsa dipuo ka ntshetsopele ya dipuo.
Qeto ya semmuso e mabapi le maemo a dipuo tse fapaneng tse buuwang ke bongata/ba buwang dipuo tse ngata, mohlala ke dipuo dife tse tlang ho ba tsa naha/semmuso, ke dife tse tlang ho sebediswa dikolohong le hore maemo a tsona e tla ba afe.
Melao e hlalosang maemo ao baahi ba ka etsang kgetho ya puo ho ona.
Makala a mmuso mafapheng le diprovenseng a sebetsanang le dintlha tse itseng ka ho qolleha tse mabapi le puo tsa lefapha leo le/kapa provense tse tswang Leanong la Naha la Puo le ho buisana le mafapha a mang ka dintlha tse mabapi le puo.
Tshebediso ya khompyuta bakeng la phetolelo ya dingolwa tse ngotsweng ka elektroniki ho tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe.
Puo le ha e le efe ya semmuso e sa kenyelletswang bakeng la ho sebediswa semmuso kapa eo tshebediso ya yona e sa kgothalletsweng dibakeng tse kgethehileng (mohlala, thutong, tlhokomelong ya tsa bophelo). Ho tinngwa monyetla ha ngata ho bolela boemo bo tlase ba puo le mohlomong ba dibui tsa yona. Mohlala, Xitsonga, Tshiveda, isiNdebele le siSwati di nkuwa e le dipuo tse tinngweng menyetla Afrika Borwa?
Puo ya ka phaposing ya borutelo jwalo ka ha e hlahella kharikhulamong le leanong la puo. Puo e sebediswang ho ithuta e bolela ho ritsa hanyane ho kenyelletsa ntlha ya hore ho ka nna ha sebediswa puo tse fetang bonngwe mme baithuti ba sebedisa e nngwe ho fapana le ya semmuso?
Tshebediso ya dipuo tse tharo kapa ho feta ke motho kapa ke sehlopha sa dibui tseo e leng baahi ba tikoloho e itseng kapa setjhaba.
Puo e sebediswang mmusong, makgotleng a dinyewe, thutong, kgwebong le masedinyaneng.
Tshebetso ya ho fetola sengolwa ho tswa ho sa sethatho ho ya ho se seng (ka puo eo ho fetolelwang ho yona) ka mokgwa wa ho ngola.
Mantswe a lekantsweng a theknoloji a nkuweng dibakeng tse ikgethang tsa tsebo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Leqonwana la papatso.txt</fn>
Ha o hlophisetswa thekiso ya diruuwa tsa hao ipotse potso e latelang: Hobaneng ke batla ho rekisa diruuwa tsa ka ka nako ee mothating oo?
Diphoofolo di loketse mmaraka mme di nontshitswe ka ho lekaneng bakeng la ho hlajwa.
Di dilemong tse lokileng ho ka rekwa ke morekisi wa mofepisi bakeng la dinontshetsa ho hlajwa.
Diphoofolo ha di kenye tjhelete haholoholo tse tshehadi tsa ho tswadiswa tse ileng tsa tsofala le ho hloka tlhahiso.
Ha ho na furu e lekaneng ho fepa diruuwa.
Kgetha diruuwa tsa ho tswadiswa tse tlang ho nka sebaka sa tse ding pele di hola kapa di bitsa tjhelete e ngata ho ka di ruwa.
Matshwao a tlhophiso a behwa ho ya ka boholo, monono, ho lokela, tshenyeho le bong. O ka lebella theko e ntle ya poofolo e leng maemo a matle a bophelo, haholoholo pakeng tsa ditekanyo tsa A le B, e seng tse otileng haholo kapa tse nonneng haholo le tse faotsweng. AB di na le theko e tlasenyana athe C ke e tlase ka ho fetisisa.
Ho lokela ke mokgwa oo mmele wa phoofolo o shebahalang ka teng mme o hlalosa kamano pakeng tsa nama le lesapo. Dintlha tsa maemo di etswa ka ho akanya monono wa phoofolo.
Monono wa naka ya kgomo, ya konyana, nku le podi eihlophiswa ka dikhoutu ho tloha ho 0 ho ya ho 6.
Tekanyo e etswa ka ho sheba meno.
Bong ba phoofolo ke ba bohlokwa feela ho mebele ya pholo le pheleu ho dihlopheng tsa bolo ba AB, B le C.
Tekanyo: Tekanyetso ya dilemo tsa dikgomo ka ho di sheba menong.
Tekanyo B: dilemo tse 2?
Tekanyo AB: dilemo tse 1 ho ya ho 1?
Tekanyo ya B: dilemo tse 2?
<fn>sot_Article_National Language Services_Letlole la Inshor (1).txt</fn>
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba hore o ingodisitse jwalo ka motho ya ntseng a batla mosebetsi.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba hore o ingodisitse jwalo ka motho ya ntseng a batla mosebetsi.
Setifikeiti se tlatsitsweng sa bongaka.
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Setatemente sa palo ya tjhelete eo o e fumaneng ho ramosebetsi nakong eo o neng o kula ka yona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Setatemente sa palo ya tjhelete eo o e fumaneng ho ramosebetsi nakong eo o neng o kula ka yona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Setatemente sa palo ya tjhelete eo o e fumaneng ho ramosebetsi nakong eo o neng o kula ka yona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Khopi ya setifikeiti sa ho hlokahala seo ho entsweng kano ya sona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela tsa mofu.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Khopi ya setifikeiti sa ho hlokahala seo ho entsweng kano ya sona.
Bopaki ba bohlokomedi.
Bopaki ba hore ngwana ke moithuti kapa o ne a tshepetse ho mofu ka botlalo kapa haholwanyane.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Tleleime ya hao ya dithuso e ke ke ya phethahatswa ho fihlela dintlha/ditokomane tse tshwanetseng di fumanwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Letlole la Inshorense.txt</fn>
Na Letlole la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi ke eng?
Mmuso o theile Letlole la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi bakeng sa ho thusa basebetsi bakeng sa nakwana ha ba felletswe ke mesebetsi ya bona, kapa ha ba sa kgone ho sebetsa ka baka la ho kula, la ho ya beleha le ho adoptha (ho itholla ngwana), hape le ho thusa bahlokomelwa ba mofu ya neng a kenya tjhelete letloleng.
Na tjhelete ya ho tsamaisa Letlole le ho lefella dithuso e fumanwa jwang?
Boramesebetsi mmoho le basebetsi ke bona ba thusang Letlole lena la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi ka ditjhelete, mme hona ba ho etsa ka ho kenya ditjhelete ho lona kgwedi le kgwedi. Mmuso ke ona o tshehetsang Letlole lena, mme o lebelletswe ho thusa Letlole le ka dinako tseo ho nang le dipalo tse hodimo tsa batho ba hlokang mesebetsi.
Na basebetsi bohle ba tshwanela ho kenya ditjhelete Letloleng la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi?
Basebetsi bohle ba sebetsang dihora tse ka hodimo ho tse 24 ka kgwedi ba tshwanela ho kenya tjhelete Letloleng. Ke tlolo ya molao ha boramesebetsi ba sa hule tjhelete ena meputsong ya basebetsi. Letlole ha jwale ha le ame basebetsi ba malapeng le ba mmuso. Dikgothaletso tsa hore ho akaretswe le basebetsi bana di lebelletswe ho phethahatswa ha morao.
Na ke tshwanela ho kenya tjhelete Letloleng le ha ke fumana moputso o hodimo?
Ee, basebetsi bohle, ntle le bao ba fumanang dikhomishene feela, ba tshwanela ho kenya tjhelete Letloleng lena ho sa natswe hore ba fumana bokae moputso. Letlole le beha palo e itseng eo ho tla fellwa ho yona, mme hona le ho etsa selemo le selemo. Basebetsi bohle ba fumanang moputso o ka hodimo ho oo ho fellwang ho ona ba tla kenya tjhelete ho fihlela ho eo ho itsweng ho tla fellwa ho yona, mme ha ba se ba sa sebetse ba tla fumana dithuso ka ho ya ka boemo boo ho itsweng ho tla fellwa ho bona. Hona ho bolela hore mosebetsi e mong le e mong ya leng boemong bo tlase ho ya fihla ho mookamedi wa khampani ba tshwanela ho kenya tjhelete Letloleng.
Na boramesebetsi bohle ba tshwanela ho kenya tjhelete Letloleng?
Boramesebetsi bohle ba hirang motho ofe kapa ofe e be ba mo neha moputso, e ka ba ka tjhelete kapa ka dimpho, ba tshwanela ho ingodisa Letloleng hang feela ho ba ba be boemong boo ba boramesebetsi. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho ngodisa kgwebo e be o hula ditjhelete tse tshwanetseng ho tswa meputsong ya basebetsi. Ha mohiri a ka hloleha ho etsa hona ho tla ba le dikotlo tse itseng tseo a ka fuwang tsona ka ho ya ka Molao wa Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi, (Molao wa 63 wa 2001).
Ha ramosebetsi ofe kapa ofe a hana ho ingodisa le Letlole hape a sa batle le ho hula tjhelete eo, basebetsi ba eletswa hore ba iteanye le ba ofisi ya Lefapha la Mesebetsi. Hopolang, Letlole lena le theilwe ka morero wa ho sireletsa basebetsi.
Ho etswa boipiletso ba hore boramesebetsi ba latele ditlhophiso tsa Molao, ka ha Letlole lena le thusa batho bao ba kileng ba ba sebeletsa, mme ba seng ba se na letho la ho iphedisa ka ha ba felletswe ke mosebetsi.
Na ke eng ntho e nkuwang e le moputso?
Tjhelete yohle e fumanwang ho tswa ho ramosebetsi, e ka ba ka kontane kapa ka dimpho, ntle le khomishene, e nkuwa e le moputso, mme e tshwanelwa ho lefellwa tjhelete e yang Letloleng. Ditjhelete tse ding tsohle tse fumanwang ka thoko le tsona di nkuwa e le moputso, mme ho tshwanetse hore ho be le tjhelete e ntshiwang bakeng sa tsona e ya Letloleng. Mehlala ya ditjhelete tsena tse ka thoko ke e jwalo ka ditjhelete tsa maeto, tsa boithabiso le tsa dijo ekasitana le marobalo. Ha o batla ho tseba haholwanyane ka meputso o ka sheba shejulung ya 4 le shejulung ya 7 ya Molao wa Lekgetho la Meputso.
Ke bokae eo ke tshwanelang ho e kenya Letloleng?
Tjhelete e yang letloleng e tshwanelwang ho hulwa moputsong wa hao ke 1% ya palo yohle ya moputso wa hao, ho sa kenyelletswe khomishene. Ka hodima 1% e kengwang ke mosebetsi, ramosebetsi le yena o kenya 1% bakeng sa mosebetsi. Ka hoo, palo yohle e kengwang ke 2%..
Na ramosebetsi o kenya tjhelete ena jwang Letloleng, le teng neng?
Ramosebetsi o kenya tjhelete ena letloleng pele ho letsatsi la bosupa la kgwedi e nngwe le e nngwe. Bakeng sa ho lefa ditjhelete tsena tse yang Letloleng, boramesebetsi bao ba ingodositseng bakeng sa lekgetho ba tshwanela ho lefa ditjhelete tsena tse yang Letloleng ho ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa. Boramesebetsi bao ba sa ingodisang bakeng sa lekgetho bona ba tshwanela ho lefa tjhelete eo ka ho toba Letloleng.
Na Letlole le tseba jwang hore tjhelete eo le e fumaneng ho hlaha ho mang?
Letlole le na le databeise ya boramesebetsi/basebetsi moo ho bolokwang dintlha tsohle tse mabapi le basebetsi. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho romela dintlha tse mabapi le basebetsi ba hae bohle letloleng hore ho tle ho lokiswe databeise kgwedi le kgwedi kapa le ha ho na le diphetoho tse itseng ho dintlha tse mabapi le basebetsi. Dintlha tseo tsa basebetsi di bolokwa databeising, mme ha motho a fellwa ke mosebetsi, Letlole le tla hlahloba kopo ya hae ntle le tikatiko. Ka hoo, ke ntho ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore ramosebetsi wa lona o romela dintlha tsa lona databeising ya Letlole.
Letlole le na le mekgwa e mengata e fapaneng bakeng sa boramesebetsi hore ba romele dintlha tse mabapi le basebetsi ba bona Letloleng, ho sa natswe boholo ba palo ya basebetsi. Hona ho kenyelletsa ho romela dintlha Letloleng ka dipampiri bakeng sa boramesebetsi bao ba banyenyane haholo ba se nang mekgwa ya ho lefa meputso ya elektroniki. Boramesebetsi bao ba nang le mekgwa ya ho lefa meputso ka elektroniki ba ka romela dintlha tsa bona databeising ka mokgwa wa elektroniki, ke hore ka FTP, e-mail, jwalo jwalo.
Dikarata tsa kgale tse bolou (karata ya UF 74) di tlilo nkelwa sebaka ke mokgwa ona o motjha wa elektroniki. Basebetsi bao ba ntseng ba na le dikarata tseo tse bolou ba tshwanela ho di kgutlisetsa ho boramesebetsi ya bona, mme ba kope hore dintlha tseo di romelwe Letloleng, di ilo kengwa databeising.
Na Letlole le tla tseba jwang hore le tshwanela ho ntefa bokae ha ke se ke sa sebetse?
Tekanyetso ya ho lefa dithuso e lenaneng le shejulung ya 3 ya Molao. Ntho ya bohlokwa eo o tshwanetseng ho e hopola ke ya hore dithuso di leshwa bakeng sa boholo ba matsatsi a 238 kapa bakeng sa palo ya matsatsi a krediti ao motho a a bokelletseng nakong ya dilemo tse 4, pele ho letsatsi la kopo.
Dikrediti di nehwa basebetsi ha ba ntse ba kenya tjhelete Letloleng. Dikrediti tsena di fumanwa ka tsela ena e latelang. Bakeng sa matsatsi a mang le a mang a 6 ao o a sebetsang o le motho ya kenyang tjhelete letloleng, o fumana krediti ya letsatsi le le leng. Hore o fumane dikrediti tse felletseng tsa matsatsi a 238 o tshwanetse hore o be o sebeditse bonyane dilemo tse 4.
Mosebetsi o nkuwa e le motho ya kentseng tjhelete Letloleng ho tloha letsatsing la ho qala la ho sebetsa ho fihlela letsatsing leo a fellwang ke mosebetsi oo wa hae. Nako ya nothisi eo motho a e sebetsang pele a emisa ho sebetsa, le yona e nkuwa jwalo ka nako e sebeditsweng.
Na tekanyetso ya dithuso e behwa jwang?
Tekanyetso ya ho lefa dithuso e shejulung ya 3 ya Molao wa Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi. Ditekanyetso tsa dithuso di a fapana, mme di tloha ho 38% bakeng sa basebetsi bao ba fumanang meputso e hodimo ho ya ho 58% bakeng sa bao ba fumanang meputso e tlase.
Ho fapana le mokgwa o neng o sebediswa kgale, jwale Molao o entse ditlhophiso tsa hore dithuso tsena di leshwe ka ho ya ka sekala se theohang bakeng sa ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba futsanehileng ba naha ba fumane palo e hodimo ya thuso bakeng sa mathata ao ba a baketsweng ke ho hloka mesebetsi.
Na ke mefuta efe ya dithuso eo Letlole le fanang ka tsona?
Na ke efe melawana e sebediswang mabapi le dithuso tsena?
Batho bohle ba kenyang tjhelete letloleng ba bile ba na le dikrediti tse lekaneng ba tla leshwa dithuso tsa boholo ba matsatsi a 238, nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, ha ba sa sebetse. Bakeng sa dithuso tsa ho ya beleha, ke palo yohle ya matsatsi a 121 e tla lefellwang, ha ho na le dikrediti tse lekaneng.
Na ho tla etsahala eng ha moputso wa ka o ya o ntse o fetoha kgwedi le kgwedi, kapa beke le beke?
Ha moputso wa hao o fetoha kgwedi le kgwedi, kapa beke le beke, moo Molao o re palohare ya moputso wa dikgwedi tse 6 tse fetileng ke yona e tla sebediswa ho bala moputso wa hao.
Na ke neng moo motho ya neng a kenya tjhelete letloleng a iphumanang a sa lokela ho fumana dithuso?
Ha motho ya neng a kenya tjhelete letloleng a se a amohela tjhelete ya penshene ya Mmuso ya kgwedi le kgwedi.
Ha motho ya neng a kenya tjhelete letloleng a se a fumana tefo ho tswa Letloleng la Ditlhapiso tsa ho kula kapa ho tswa kotsi e bakileng hore a se kgone ho sebetsa bakeng sa nakwana kapa saruri.
Ha motho ya kenyang tjhelete letloleng a se a fumana dithuso ho tswa sekiming se seng se theilweng ka ho ya ka Molao wa Dikamano Mosebetsing.
Ha motho ya kenyang tjhelete letloleng a hloleha ho latela ditlhophiso tsa Molao.
Ha motho ya neng a kenyang tjhelete letloleng a emiswa hore a se fumane dithuso hobane a ile a tshwarwa a sebetsa mme a ntse a amohela dithuso kapa a ile a etsa bomenemene bo amanang le Letlole la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi.
Dithuso di balwa ho tloha mohlang o qalang ho tswa mosebetsing, empa di leshwa ho tloha nakong eo o entseng kopo ka yona.
Dithuso di leshwa feela ha ho hloka mosebetsi hoo ho le ka hodimo ho matsatsi a 14.
Dithuso di leshwa feela ha mosebetsi a ile a tebelwa ke ramosebetsi. Ha mosebetsi a ka tlohela mosebetsi ka boyena ha ho na dithuso tseo a tla di fumana, ntle le haebe ho tlohela mosebetsi hoo ho ka nkuwa e le ho bakilweng ke ramosebetsi kapa ntho e nngwe e itseng e utlwahalang.
Ha khampani e ka hloka ditjhelete tsa ho tswela pele ka mosebetsi, moo mosebetsi a ka fumana dithuso.
Motho ya kenyang tjhelete letloleng o tshwanela ho ingodisa ofising ya mesebetsi jwalo ka motho ya ntseng a batla mosebetsi ka ho ya ka Molao wa Ntshetsopele ya Bokgoni, wa 1998, hore a tshwanelehe bakeng sa dithuso tsa ho hloka mosebetsi. Motho ya kenyang tjhelete letloleng o tshwanetse ho ba le bokgoni le hore a fumanehe bakeng sa mosebetsi.
Motho ya neng a kenya tjhelete letloleng o tshwanetse ho itlaleha ka dinako le dibakeng tse tla behwa ke moofisiri wa ditleleime bakeng sa ho ya saena rejistara ya batho ba hlokang mosebetsi.
Motho ya neng a kenya tjhelete letloleng o tshwanetse ho fumana thupelo le dikeletso ka mesebetsi eo a ka ithutelang yona ha a laelwa jwalo ke moofisiri wa ditleleime. Ha motho eo ya neng a kenya tjhelete letloleng a hana ho etsa jwalo ntle le lebaka le utlwahalang, yena a ke ke a fumana dithuso.
Dikopo tsa dithuso di tshwanetswe ho etswa dikgweding tse 6 motho a felletswe ke mosebetsi.
Dikopo di tshwanetswe ho etswa diforomong tse etseditsweng hoo tse fumanehang ofising ya mesebetsi.
Dithuso di ka leshwa ho fihlela boholong ba matsatsi a 238 nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, mme hona ho tla itshetleha hodima dikrediti tseo motho a nang le tsona.
Dithuso di leshwa ho tloha mohlang oo motho a emisang ho sebetsa ka baka la ho kula.
Dithuso tse leshwang ke tse etsang phapang mahareng a tse leshwang ke ramosebetsi le tekanyetso e behilweng shejulung ya dithuso.
Dithuso di leshwa feela bakeng sa dinako tsa ho kula tse ka bang ka hodimo ho matsatsi a 14.
Dikopo tsa dithuso di tshwanetswe ho etswa dikgweding tse 6 tsa ho kula.
Kopo e tshwanetswe ho etswa foromong e etseditsweng hoo, e kenyeletsang ho tlatswa ha setifikeiti sa bongaka, ke ngaka kapa homeopath e amohelehileng. Setifikeiti sa bongaka se tshwanetswe ho tlatswa bakeng sa nako e nngwe le e nngwe eo ka yona ho entsweng tleleime ya dithuso.
Dithuso di ka leshwa ho fihlela boholong ba matsatsi a 238 nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, mme hona ho tla itshetleha hodima dikrediti tseo motho a nang le tsona.
Dithuso di leshwa motho ya neng a kenya tjhelete letloleng ha a se a le moimana, ha a entse kopo.
Dithuso tse leshwang ke tse etsang phapang mahareng a tse leshwang ke ramosebetsi le tekanyetso e behilweng shejulung ya dithuso.
Dithuso di ka leshwa ho fihlela boholong ba matsatsi a 121 kapa dibeke tse 17.32 nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, mme hona ho tla itshetleha hodima dikrediti tseo motho a nang le tsona. Kopo ya dithuso tsa ho ya beleha ha e ame tokelo ya motho ya kenyang tjhelete letloleng bakeng sa dithuso tsa ho hloka mosebetsi, ha morao.
Ha motho a ka fosa mpa kapa a beleha lesea le kgathetseng, moo dithuso di tla leshwa bakeng sa boholo ba dibeke tse 6 ka mora ho fosa mpa/ho beleha lesea le kgathetseng.
Kopo e tshwanetswe ho etswa foromong e etseditsweng hoo e fumanehang ofising ya mesebetsi.
Kopo ya dithuso tsa ho ya beleha e tshwanelwa ho etswa dibekeng tse 8 tsa ho ima kapa dikgweding tse 6 ngwana a belehilwe.
Ke feela motswadi a leng mong ho bao ba adopthang ngwana ya ka etsang kopo ya dithuso.
Ngwana o tshwanetswe ho adopthiwa ka ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana, wa 1983.
Nako eo motho a sa sebetseng ka yona e tshwanelwa ho sebedisetswa ho hlokomela ngwana.
Dithuso le leshwa ho tloha mohlang oo Lekgotla la Dinyewe le fanang ka taelo ya ho adoptha.
Dithuso tse leshwang ke tse etsang phapang mahareng a tse leshwang ke ramosebetsi le tekanyetso e behilweng shejulung ya dithuso.
Ngwana ya adopthiwang o tshwanetse ho ba ka tlase ho dilemo tse 2 boholo.
Kopo e tshwanetswe ho etswa foromong e etseditsweng hoo e fumanehang ofising ya mesebetsi.
Kopo ya dithuso e tshwanetswe ho etswa dikgweding tse 6 hang ho ba ho ntshwe taelo ya ho adoptha.
Dithuso di ka leshwa ho fihlela boholong ba matsatsi a 238 nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, mme hona ho tla itshetleha hodima dikrediti tseo motho a nang le tsona.
Dithuso di leshwa mohatsa ya setseng kapa molekane ya neng a phela le mofu ya neng a kenya tjhelete letloleng, ha ho ka etswa kopo.
Kopo ya dithuso e tshwanetswe ho etswa dikgweding tse 6 ka mora ho hlokahala ha motho eo ya neng a kenya ditjhelete letloleng.
Kopo e tshwanetswe ho etswa foromong e etseditsweng hoo e fumanehang ofising ya mesebetsi.
Ngwana ofe kapa ofe eo e leng mohlokomelwa a le dilemo tse ka tlase ho 21 boholo o na le tokelo ya ho fumana dithuso ha ho se na mohyatsa ya setseng..
Ha mohatsa ya setseng a sa etse kopo dikgweding tse 6, moo ngwana eo e leng mohlokomelwa a ka etsa kopo ya dithuso tseo, ha feela kopo eo e tla etswa matsatsing a 14 ka mora ho ba ho fete dikgwedi tse 6, tseo mohatsa a neng a lokela ho etsa kopo ka tsona.
Dithuso di ka leshwa ho fihlela boholong ba matsatsi a 238 nakong efe kapa efe ya dilemo tse 4, mme hona ho tla itshetleha hodima dikrediti tseo motho a nang le tsona.
Dithuso tse leshwang di tla lekana le dithuso tsa ho hloka mosebetsi tse neng di tla leshwa ha motho eo a ne a ntse a phela.
<fn>sot_Article_National Language Services_MAKALA A FAPANENG 1.txt</fn>
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MAKALA A FAPANENG 2.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
THAETLELE / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MAWA A KA LATELWANG K.txt</fn>
Afrika Borwa e tsebahala haholo ka dikgaolo tsa yona tse fapaneng tsa tlelaemete tse dumellang ho fapafapana tlhahisong ya tsa temo. Le ha ho le jwalo, naha ena ka kakaretso e omme/e batla e omme ka ha e fumana palohare ya pula e etsang 500mm ka selemo ha e bapiswa le lefatshe lohle ka paloyohle ya 800mm ka selemo. Ho fapana ha tlelaemete ke ntho ya tlhaho, empa diphuputso di supile hore sentjhuring e sa tswa feta ho bile le keketseho ya greenhouse gases ka baka la mesebetsi e etswang ke batho e jwalo ka ya industrialization, deforestation, jwalojwalo. Diphumano tsa diphuputso tse neng di tsepamisitse maikutlo haholo hodima mokgwa wa ho fapana ha tlelaemete Afrika e ka Borwa di supa hore themperetjhara ya moya hodima Afrika Borwa e tla eketseha ka tekanyo ya 1,5-4 C setjhuring e tlang. Hona ke tshoso e mpe haholo ntshetsopeleng e tswellang, mme ho tla ama batho, ikonomi ya lefatshe le bokgabane ba tikoloho ka ha ho bolela hore ho tla ba le maemo a seng matle haholo a lehodimo a jwalo ka komello le dikgohola hara rona?
Afrika Borwa e arotswe mabatowa a mararo a maholo a pula: lebatowa la pula ya mariha le ka borwa-bophirima, tikoloho e nang le pula selemo sohle ho ya lebatoweng le ka borwa le tikoloho ya pula ya selemo sebakeng se setseng sa naha. Ho se ho bonwe phokotseho ya pula ho tswa dikarolong tsa botjhabela ho ya bophirima tsa naha. Pula ya Afrika Borwa e fapana haholo mme e etsa hore e be le dihlahiswa tse mmalwa tsa temo.
Temo e kenyelletsa tshebetso tsohle tsa ikonomi ho tswa phanong ya dihlahiswa tsa temo ho ya keketsong ya boleng mme e dula e ntse e le mokga wa bohlokwa Ikonoming ya Afrika Borwa le ha e na le seabo se senyane palong yohle ya dihlahiswa tsa naha (Gross Domestic Product - GDP). Basebetsi ba mapolasing, balemi-rui le ba malapa a bona le bona ba kenya letsoho ikonoming ha ba sebedisa meputso ya bona hodima thepa le ditshebeletso tsa basebedisi, kapa ha ba reka dintho tse tla sebediswa bakeng sa tlhahiso. Ka tsela ena temo e ba mokga o kenyang letsoho haholo kgolong le ntshetsopeleng. Sephetho sa maemo a mabe haholo a lehodimo le tlelaemete se tla ba le sekgahla se seng setle dihlahisweng tsa temo ka metsi a emang mobung le komello e tlang kgafetsa hara kodua tse ding tse tla etsa hore ho se kgonahale ho fihlela poelo e ntle e be hoo ho baka bofuma malapeng a itshetlehileng ka botlalo temong.
Komello eo Afrika e ka Borwa e e boneng ho tloha ka 2002 ho fihlela jwale e mpa e le mohlala feela wa sephetho sa tleleamete e fetohang dilemong tse ngata tse tlang, mme e ka bolela hore ho tla ba le dihlahiswa tsa temo tse mmalwa hara tse ding. Molao wa Taolo ya Kodua (Molao wa No. 57, 2002) hape o etsa boipiletso ba hore ho tsepamiswe maikutlo haholo thibelong le phokotsong ya dikodua ka ho sebedisa boemo ba tlhahisoleseding ya lehodimo le tlelaemete, hara tse ding.
ADRM e ntse e ngola ditataiso tsa kgwedi le kgwedi tse nang le maano bakeng sa balemi hore ba di sebedise ka baka la maemo a leng teng a ha jwale a tlelaemete. Ho ile ha elwa hloko hore maano ana a lokelwa ho matlafatswa mme a hlahiswe ka dipuo tsohle tsa semmuso hore a tle a utlwisiswe ke bohle ba tla a sebedisa.
Kgetha mofuta o nepahetseng wa mobu moo dimela di tla lengwa teng, mohlala, mobu wa lehlabathe bakeng sa poone le mobu wa letsopa bakeng sa sorghum jj.
Kgetha masimo a nang le dibaka tse theosang bakeng sa ho fokotsa metsi a tla phalla.
Sebedisa mekgwa ya paballo ya ho lema, mohlala, ho se leme, ho lema hanyenyane, jwalojwalo.
Theosa ho teteana ka ho fokotsa ho feta ha metjhini e boima masimong. Hona ho ka fihlelwa ka ho sebedisa disebediswa tse tshwanetseng tsa mofuta o itseng wa mobu.
Jala o se ke wa kenya peo ya poone mobung o tebileng kapa peo e lenngweng moo ho tebileng e tla nka nako ho hlahella ka hodimo ho ena le peo e lenngweng moo ho sa tebang.
Fana ka mokgwa o fetohang le mabaka le ho fapafapana ha dimela ka ho sebedisa dimela tse tswakilweng ho ena le semela se le seng, mohlala, jala poone le dinawa tse ommeng tshimong e le nngwe. Hona ho tla thusa molemi ho una molemo semeleng se seng ha se seng se ka shwa.
Sebedisa mokgwa o tlwaelehileng wa ho lema ha ho tshwaneleha mme o latele dipehelo tsa maemo a lehodimo le a tlelaemete kgafetsa. Etsa merero bakeng sa dimela tsa sehla se sekgutshwane, mohlala, sunflower.
Itlwaetse mekgwa ya ho boloka metsi, mohlala, ka ho aha di-basin, di-contour, le di-ridges.
Lema mobung o sa tebang ka ha dimela tse lenngweng moo ho tebileng di hlahella ka tlasa mobu o ka hodimo e be di a shwa.
Ka mora ho hlaha, semela se tla ya mehatong ya ho hlaha mahlaku. Hore semela sa poone se phethe mohato wa semela, se lokela ho feta mehatong e mene ya mahlaku ho ya ho ya mahlaku a leshome le metso e tsheletseng.
Phepo le kgatello ya metsi ntlheng ena di ka nna tsa se bake tshenyo ya saruri, le ha ho le jwalo kgolo ya silika yona e ka ameha ekasitana le palo ya kernel per ear.
Mohato wa kgolo ya ho tswala: Nako e hlokolosi ya tlhokeho ya metsi.
Mohato wa pele hape o hlokolosi wa kgolo ya ho tswala ke ho hlahella ha silika ntlheng ya tsebe. Ho hlokeha metsi a a lekaneng a nakong ena jwalo ka ha kgatello ya metsi e tla fokotsa nako ya ho hlohloreha ha modula le ho diehisa ho hlaha ha silika e be ho ba la tahlehelo ya poelo.
Matsatsi a ho lema a lokelwa ho kgethwa hantle bakeng sa ho etsa bonnete ba hore mohato ona o tsamaelana le maemo a lokileng ka tlwaelo.
Mehato ya puduloho, hlama e bonolo le hlama a thata le ona ke a bohlokwa kgolong ya ho tswala. Kgatello ya metsi ka nako ya mehato ena e ka baka koro ya boleng bo tlase le tahlehelo e hodimo ya dimela.
Mohato o semena o felletseng o latela ka potlako ka mora mohato wa hlama e thata mme ena ke nako e nepahetseng ya ho poma jwangMongobo o lekaneng o ntse o hlokeha empa ha se wa bohlokwa hakaalo, empa kgatello e matla ya metsi e ka nna ya fokodisa poelo le boleng ba koro.
Ho hola ha dimela ke mohato wa ho qetela wa kgolo ya poone.
Molemi-rui o lokela ho beha leihlo ho ba mongobo ha koro hore a tle a qale ho kotula hang ho ba dimela di hole ka botlalo, mme mona ke ha bongobo ba koro bo se bo le ka tlase ho 15%. Malwetse a lokelwang ho hlokomelwa ka nako ena ke a ho bola ha kutu le metso ekasitana le malwetse a seqo.
Ka kakaretso, ho tshwanetswe hore ho be le taolo e nang le nyalanyo ka nako eo ho lenngweng ka yona.
Taolo ya thibelo: mokgwa ona o sebetsa hantle haholo, le ha ho le jwalo, e seng maemong a hodimo haholo a tshwaetso ka ha moo o ke ke wa sebetsa hantle mme hape o ka baka tahlehelo e kgolo.
Taolo ya temo: mokgwa ona o kenyelletsa ho lema mobu mariha, ho ntsha lehola, ho kgetha dimela le ho fetola dinako tsa ho lema.
Dimela tse lwantshanang le dikokonyana: hona ho etseha ha o sebedisa dimela tse lwantshanang le dikokonyana. Dimela di fapana ka ho se sireletseha ha tsona malwetseng a jwalo ka ho bola ha tsebe, maize streak virus, grey leafspot, rust, cob-and tassel smut, ho bola ha kutu ekasitana le ho bola ha metso. Bakeng sa ho qoba kapa ho fokotsa sekgahla sa malwetse ana, kgetha dimela tse nang le maemo a matle haholo a kganyetso kapa mamello moo bolwetse bo itseng bo leng teng.
Tlhahiso ya meroho e kenyelletsa ditjeo tse hodimo ho feta tsa dimela tse ding tse ngata. Le leng la mabaka a hoo ke monyetla o ka bang kotsi o sa tsitsang mmarakeng le tlhokeho ya maemo a hodimo a tjhebahalo, phepelo e sa fetoheng le boleng mebarakeng. Hodima moo, dimela tse ngata tsa meroho di hloka metsi a mangata. Mabapi le ho hlahisa mawa a papatso ho bohlokwa ho leka ho fumana dipoelo ka dihlahiswa tsa meroho ho sa natswe hore maemo a komello a ba teng kapa tjhe. Ha ho lebelletswe maemo a komello, ho bohlokwa ho ba le bareki le dibaka tsa papatso tsa dihlahiswa tsa kereiti e tlase. Fokotsa ditjeo tsa kotulo, ho kenya ka dipakaneng le papatso ha ho kgoneha. Tlhahiso e sentsweng ke komello ya thepa e nngwe e ka ba molemo dikhampaning tse ding tse sebetsang ka meroho. Kgetho tsena di ka ba mmalwa, empa thekiso tse ding di ka kgonahala. Iteanye le dibaka tse nang le bokgoni nako e sa le teng ho batlisisa ka ditlhophiso tsena.
Boloka diphoofolo tse loketseng sebaka e be o etsa tekolo ya kgafetsa ya naha mme o lokise le sekgahla sa mehlape ka ho ya ka tshwanelo.
Batlisisa hore ke palo efe ya dikgomo tse tswalang tse ka bolokwang tlasa maemo a mabe haholo mme o boloke dikgomo tseo jwalo ka mohlape o bohareng. Tsena ke dikgomo tse tswalang tse ntle ka ho fetisisa tse kgethuweng bakeng sa mesebetsi e itseng le ka baka la tshebetso ya tsona ya pejana, o sebedisa dithuso tsohle tseo o nang le ho di fihlela, mohlala. (Direkoto, tekolo bakeng sa ho ona hore di sebetsa hantle).
Fana ka di-lick tse tshwanetseng, le mefuta e meng ya dijo bakeng sa ho boloka phepo e hlokehang ka nako eo makgulo a hlasetsweng ke komello mme ka kakaretso a nang le phepo ya boleng bo tlase.
Sebedisa dimela tse setseng kapa dimela tse sentsweng ke komello bakeng sa phepelo ya phepo ya tshohanyetso. Nqeng tsena, e ba le tlhokomelo e kgolo bakeng sa ho etsa bonnete ba hore dikokonyana tse kotsi diphoofolong ha di yo kotulong e setseng ka ha hona ho ka senya bophelo ba mehlape ya hao.
Etsa hore diphoofolo di fule pele sebakeng se nang le makgulo a matle.
Hasanya dibaka tsa metsi ka ho lekana makgulong ho qoba hore di se ke tsa fula feela pela metsi.
Tlasa maemo a komello o tshwanetse ho hlahisa morero wa mehato eo o tla e nka ho hlokomela mehlape ya hao.
Hlwaya palo ya dijo tsa eneji tse hlokehang ka ho ya ka makgulo a leng teng kapa boleng ba eneji ba furu e bolokilweng e be o qala ho sheba mehlodi e meng ya phepo.
Dihlahiswa tse ding tse tswang korong, dilamunung, matokomaneng di ka sebediswa jwalo ka phepo, ekasitana le borotho bo senyehileng le koro ya jwala. Kopa ba ofisi ya Extension ho o neha tlhahisoleseding e eketsehileng ya dihlahiswa tsa phepo e be o hopola ho etsa dipapiso tsa ditjeo/hlophollo pele o reka ho etsa bonnete ba hore o lefa theko e utlwahalang ya dijo tsa tshohanyetso.
Neha mohlape wa dikgomo phepo e nepahetseng ya diminerale. Letswai, calcium le phosphorus e ka ba tsona tsa bohlokwa haholo?
Eneji e ka ba yona phepo e haellang haholo ka nako ya komello. Koro, furu, le dihlahiswa tse ding di ka sebediswa bakeng sa ho fana ka eneji. Molawana o akaretsang ke wa hore o se ke wa fepa ka hodimo ho 2.5% ya boima ba mmele jwalo ka koro ya tlatsetso. Ho hong ho ka hodimo ho mona ho ka ama thuiso ya furu.
Ha pula e ka na, tjhentjha dikgomo makgulong ka ho ya ka moo o ka kgonang bakeng sa ho hlokomela jwang bo leng teng.
Makgulo a okametsweng ke komello e ka na ba ha a na diprotheine tse lekaneng. Ditekanyo tse fokotsehileng tsa kemaro di ka ba teng ka nako mme le sunflower meal ekasitana le di-protein meal tse ding di ka sebediswa.
Ha ho kgoneha hirisa sebaka sa makgulo bakeng sa ho fokotsa tekano ya mehlape masimong a hao.
Nako ya ho rekisa mehlape le boemo ba mehlape ka nako eo e rekiswang ka yona ke tsona dintho tsa bohlokwa. Tlhahisoleseding ya nako e fetileng ya mmaraka e ya fumaneha hore e ho thuse ho beha theko ya mehlape ya hao ka nako ya komello le ka mora yona. Phokotso ya dipalo tsa mehlape ka mokgwa o ikgethang mathwasong a komello hangata ke ntho e ntle.
Ha mehlape e rekiswa mathwasong a nako ya komello, ditheko tse fumanwang e ba tse ntlenyana hobane mehlape e tlohe e le boemong bo utlwahalang bo nang le botsitso mmarakeng. Hape, ditjeo tsa ho fepa di a qojwa.
Boloka mehlape eo ho leng bonolo ho sebetsana le yona ka nako ya komello hape e tla ba le tlhahiso haholo kapa e fane ka dipoelo tse ntle ka mora komello. Mohlala, dinku hangata di fana ka persente e tshwanang hape e hodimo ya poello ha o beeleditse ho tsona ho ena le dikgomo. Ha komello e ka nka nako e telele, ke moo leano lena le tla bonahala hantle.
Ha komello e le kgutshwane mme persente e nyenyane ya mehlape e e rekisitswe, mehlape e setseng e ka tlisa ditlhapiso mohlomong ka ho ba le tshebetso e eketsehileng phoofolo ka nngwe ka baka la ho fokotseha ha sekgahla sa mehlape. Ho ka nna ha se hlokehe hore o reke hape mehlape e meng.
Ka komello ya nako e telele le persente e hodimo ya mehlape e rekiswang, ntlha ya bohlokwa e ba ya kgonahalo ya ho reka hape mehlape ka ditheko tse utlwahalang ha maemo a ntlafala.
Ditheko tsa mehlape mokgahlelong o latelang wa komello hangata ha di eketsehe haholo, hobane ditjhelete tse bolokilweng le tsona di theohile.
Thekiso ya mehlape mathwasong e ka baka matlotlo a fetolelwang tjheleteng bakeng sa ho etsa hore molemi-rui a kgone ho tswella, mme hoo ho tla thusa kgwebo ho tswela pele bakeng sa nako e telele.
Ha komello e ntse e tswela pele, rekisa mehlape ho fihlela o setse ka e mmalwa ya bohlokwa e sa leng metjha, ya di tshehadi, e tla ba bohlokwa ha komello e fela mme e kgone ho ba le tlhahiso e hodimo haholo boemong boo.
Faola tse tona ka nako ya komello e nkang nako e telele ho qoba ho eketseha ha mehlape.
Lekola bokgoni ba tikoloho e leng teng ya makgulo (ke hore, tekolo ya tshireletseho ya komello: ka bobedi boemo le tshekamo ya makgulo) mme boloka ditekanyo tse tshwanetseng tsa ho ba le mehlape. Naha e nang le kgoholeho e ngata e ka angwa hampe haholo ke ho fula ho fetang tekano ka nako ya komello, ka hoo ho boloka jwang bo lekaneng bakeng sa ho sireletsa ke yona ntho e ka sehloohong mobung o nang le kgoholeho.
Batlisisa / hlwaya bokgoni ba sebaka sa ho fula ka ho kgetha mokgwa o tsamaelanang hantle haholo le maemo a hao, mohlala, weaner versus tlhahiso ya dipholo, mme hona ho itshetlehile hodima mofuta wa Naha le palohare ya pula.
Etsa bonnete ba hore sebaka sa hao sa makgulo se arolwa ho ba dikampa mme o potise diphoofolo ka ho fapana ha dikampa (ke hore, sebediswa hoo ho thweng ke rotational grazing); mme ka mehla beha leihlo diphoofolong tse fulang, o ntse o etsa bonnete ba hore di fula halofo mme di siya halofo, ho etsetsa hore ha ho na ho fula ho fetang tekano.
Ka mehla qoba hore mehlape e fule ho feta tekano ka ha hona ho baka tshenyo naheng. Hona ho bakwa ke ho ba le mehlape e fetang tekano.
Etsa lenane la dihlahla le difate tse bolokehileng hore di ka jewa; tsona di ka pongwa tsa behwa hantle bakeng sa phepo tlasa maemo a tshohanyetso.
Laola diphedi tse futuhela le lehola ka ha tsona di hlodisana le dimela tsa furu bakeng sa mongobo wa mobu le sebaka sa methapo.
Qoba mello ya naheng ka ho lekola ka mehla boemo ba lehodimo le ho kenya di dithibelamollo.
Dithibelamollo di lokelwa ho lekolwa ka mehla bakeng sa ho qoba tshenyo tse sa batleheng tsa mello ka nako tsa sehla sa mello. Bao ba tjhesang naha bakeng sa merero ya ekholoji ba eletswa hore ba nahane ka Molao wa Naha wa Mello ya Merung wa No. 101 wa 1998 o bolelang hore monga mobu o tlameha ho lokisa le ho boloka sethibelamollo mme a etse le bonnete ba hore, mabapi le boemo ba lehodimo, tlelaemete le ditlama tsa tikoloho, ho elwe hloko hona ho latelang ka ho kenya dithibelamollo kgaolo ya 4 ya Molao wa Naha wa Mello ya Naha le Meru wa No.
Tsona di lokela ho ba batsi ka mokgwa o lekaneng mme di be telele hantle bakeng sa ho ba le monyetla o utlwahalang wa ho thibela mello ya naha hore e hasane ho ya naheng e haufi.
Di se ke tsa ba tse tshwarang mollo ka tsela e tla hasana mollo naheng yohle.
Molao wa Taolo ya Kodua (Molao wa No 57 wa 2002) o ipiletsa ho Diprovense, batho le balemi-rui, hore ba lekole le ho thibela kapa ho fokotsa menyetla e ka bakang kotsi tsa dikoduwa ka ho sebedisa tlhahisoleseding ya temoso nako e sa le teng hara tse ding.
Balemi-rui ba kgothaletswa ho lekola agro-meteorological advisories ho tswa lefapheng la Temo le tsa bolepi tse atolositsweng ho tswa Tshebeletsong tsa Bolepi tsa Afrika Borwa kgwedi le kgwedi. Balemi-rui hape ba eletswa ho abelana ka tlhahisoleseding ena le ba bang.
<fn>sot_Article_National Language Services_MEETLO, BOTJHABA, BOR.txt</fn>
Meetlo le borapedi ke karolo ya bong setjhabeng mme ke mekgwa e sebedisetswang ho hatella le ho ntshetsa pele nyenyefatso ya basadi.
Moetlo ke eng?
Moetlo o hlaloswa e le neheletsano ya dintlha tse itseng tsa botjhaba ke moloko o mong ho leba ho o mong, haholo ka mokgwa wa nehano ya taba e tlang ka moqoqo.
Pokeletso ya ditlwaelo tse jwalo le tshebediso ya tsona e nkwa e le dintho tse nang le tshwaetso tseleng ya bophelo ya hona jwale: ho latela mekgwa ya lelapa ya moaparo le tsela ya ho etsa dintho tse itseng ho latela moetlo.
Ke ka lebaka la moetlo hore ditlwaelo tse fapafapaneng tsa botjhaba di fetisetswang le ho latelwa ke meetlo e hlahlamang.
Ha meetlo e mengata e kgothaletsa boipopo ba setjhaba le hore setjhaba se iketse kgokanyana-phiri, e meng yona e fedisa bophelo bo botle ba batho ho bona jwalo ka batho le ho phela ha bona hantle dikelellong tsa bona le tlhompho ya batho haholo banana le basadi ba nyediswang.
Meetlo e kotsi e fumaneha ka dibopeho tse fapafapaneng empa e tswa dikamanong tseo esale di bontsha ho se lekane ho tloha ho tloheng le dikamano tsa moruo dipakeng tsa banna le basadi. Ditlwaelo tse jwalo di bonwa di bopa karolo ya tsela ya botjha ya phedisano.
Meetlo e meng e sebediswang, e amang basadi, e kenyeletsa ho hlola banana ka ho tadima bosadi ba bona, bohadi, dimpho, ho nyala basadi ba bangata.
Bodumedi ke eng?
Bodumedi ke ntho e etswang ke batho moo ho hlwauwang le ho halaletsa ntho e itseng. Bodumedi bo hlaloswa e le tsela ya bodumedi le ya ditlwaelo tseo sehlopha sa batho se di sebedisetsang ho kenyakenyana le bothata ba pheletso ya bophelo ba motho. Bodumedi bo ka sebediswa jwalo ka letshwao le tlisang phapano ho dumella taba ya hore ho qhellwe batho ba bang ka thoko ho ba kgetholla le ho hlophisa batho ka dihlopha tse kolokiswang ho fihlela sehlohlolo se itseng?
Kabelo ya mekgatlo ya bodumedi setjhabeng sa rona ke yona eo esale e hahlametse haholo tjhadimo ya setjhaba se tlwaelehileng sa batho feela mabapi le tlhaloso ya boikarabelo bo fapaneng ba batho ba basadi le ba banna.
Tlhophollo ya kamano ya bong le bodumedi ke ya bohlokwa haholo mme e tshwaneleha ka ho ikgetha ha ho lekolwa ka moo bodumedi le ditaba tsa bodumedi di sebedisitsweng ka teng ho kgetholla le ho beha ka mosing batho ba basadi. Ho phehilwe kgang e reng bodumedi ke sesosa sa ka nako e fetileng le sa hona jwale sa nyenyefatso ya basadi le ho ba beha ka mosing haholo ka lebaka la boleng ba bodumedi le dipolelo tse bona tse hlokang kganyetso lepatlelong la bohle?
Seboka sa Bone sa Matjhaba a Kopaneng se Tsepamisitseng maikutlo Basading (Platfomo ya Tshebetso ya Beijing).
Kgweletso ya Seboka sa Botshelela sa Lebatowa la Afrika mabapi le Basadi ka 1999.
Molao wa Kgatello ya Boloyi.
<fn>sot_Article_National Language Services_MEKGATLO YA BASEBEDIS.txt</fn>
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi keng?
MBM ke mokgatlo wa semolao o thehuweng ke Letona tlasa Molao wa Naha wa Metsi. MBM ke mokgatlo wa tshebedisano ya basebedisi ka bonngwe ba batlang ho sebetsa la tse tlang ho ba molemong wa bona ka kopanelo. Komiti ya tsamaiso e tsamaisa MBM.
Sepheo sa MBM ke ho etsa hore batho ka hara setjhaba ba kopanye mehlodi ya bona (tjhelete, basebetsi le tsebo) ho sebetsa ka ho phethahala ho kenelletseng mesebetsi e amanang le metsi. Ka MBM ditso di ka una ka ho sebeletsa ditlhoko tsa bona tsa selehae le tse tlang pele.
MBM e sebetsa sebakeng se behetsweng moedi boemong ba lehae. MBM di ka fana ka mokgwa wa tshebetso oo ka ona lewa la tsamaiso ya polokelo le ka kenngwang boemong ba selehae. MBM di boela di na le seabo sa bohlokwa seo di nang le sona ho latela phediso ya bofuma le phano ka tshireletso ya dijo.
MBM ke koporasi ya mokgatlo mme o na le matla a tshwanang le a motho a ho ba le bokgoni, ntle le matla ao, a ka kgonang ho ba a motho ka boyena kapa a ba le ho se tsamaelane le Molao wa Naha wa Metsi. Sena se bolela hore MBM e ka etsa dintho tsohle motho ka mong a ka di etsang, tse kang ho bula akhaonte ya banka, ho kenela dikonteraka ho ka fepelwa le ho adima tjhelete. MBM o ka qosa kapa wa qoswa ke ba bang.
Molao wa Nnaha wa Metsi le molao wa motheo wa MBM e laola tsamaiso ya yona le tshebetso ya yona ya setsha.
Molao o lokisetsa ho thehwa ha MBM bakeng la mofuta le ha e le ofe wa tshebediso ya metsi e hlalositsweng Molaong. Le ha ho le jwalo, ho na le mefuta e mebedi e hlakileng ya MBM e ka thehwang, e leng, MBM tsa karolo le MBM tsa dikarolo tse ngata.
MBM e itshetlehileng ka karolo e sebetsa molemong le boemong ba sehlopha sa basebedisi ba tshwanang. Mohlala sehlopha sa borapolasi ba qalang ba nosetsang ba ka theha MBM e itshetlehileng ka karolo, kapa sehlopha se nang le kgahleho ya ho laola tshebediso ya boikgathollo, jwalo jwalo.
Rapolasi ya qalang, rapolasi ya qalang, rapolasi ya qalang?
MBM e itshetlehileng ka dikarolo tse ngata e sebetsa molemong le boemong ba pokeletso ya basebedisi ba metsi, jwalo ka poloko, meru, merafo le ho nosetsa ka kopanelo.
Rapolasi ya nosetsang; Merafo; Meru; Polokelo ya Tlhaho?
ho hlwekiswa le ho lahlwa ha metsi a dikgwerekgwere holaola tshebediso ya metsi bakeng la boikgathollo le/kapa sepheo sa tikoloho.
MBM e thehwa ke Letona ho latela mekgwa ya tshebetso e hlahellang Molao wa Naha wa Metsi.
E ka ba Letona kapa ba nang le seabo ba ka qalang mokgwa wa ho thwha MBM.
Letona le ka qala ka ho thehwa neng?
Maemo ao Letona le ka qalang ka ho thehwa ha MBM ha ya hlaloswa Molaong. Le ha ho le jwalo, Letona le ka qala ka ho theha moo MBM e tla bang molemong wa setjhaba. Lebokose le ka tlase le hlalosa mehlala e ka bang molemong wa setjhaba.
Letona le ka lakatsa ho fana ka mosebetsi, poloko le taolo ya sekema sa mmuso ho setjhaba sa mahaeng. Sena se ka nna sa phethahala ha sekema se ne se thehuwe molemong wa setjhaba se amehang le hore se ka tsamaiswa ka ho phethahala ke MBM o loketseng.
Letona le ka rata ho tshehetsa merero ya mafapha a mmuso ho ya ka peho ya borapolasi ba qalang kapa ntshetsopele ya diprojeke tsa temothuo ya tshehetso.
Moo e leng hore ntshetsopele e sa kopanang ya mohlodi o itseng e a etsahala, Letona le ka etsa qeto ya ho theha MBM e le mokgwa wa ho fana ka taolo e betere le ho thibela kgohlano e ka hlahang.
MBM e thehwa ka mora hore ho be le dipuisano le setjhaba.
Ha Letona le tshwara dipuisano le setjhaba, ditjeho tsa dipuisano tsena di ka fumanwa ho MBM hanghang ha e thehwa.
MBM ya sepheo se itseng e ka thehwa ho ya ka tshisinyo ho Letona ke bao ba nang le kgahleho.
Letona le ka batal hore mothokapa ba amehang ba fanang ka tshisinyo ba lefe ditjeho tsa dipuisano le setjhaba pele.
Karolo kapa sehlopha le ha e le sefe sa basebedisi ba metsi se ka fana ka tshisinyo ho Letona ya ho thehwa ha MBM.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Ditabatsa Metsi le Meru a ka thusa basebedisi ba metsi ho rala tshisinyo.
Keng se lokelang ho ba ka hara tshisinyo?
mabaka a ho etsa tshisinyo lebitso le sisintsweng la mokgatlo sebaka se sisintsweng sa tshebetso ya mokgatlo mesebetsi e sisintsweng ya mokgatlo moo ho loketseng, tlhaloso ya dibaka tsa metsi tse teng kapa tse sisintsweng sebakeng se sisinyeditsweng tshebetso tlholoso ya laesense ya tshebediso ya metsi kapa tumello eo ditho tse sisintsweng di na le yona kapa di rerileng ho etsa kopo ya yona molao wa motheo wa mokgatlo o sisintsweng tlhaloso ya ka moo molao wa motheo o sisintsweng o tlang ho fapana le mohlala (setshwantsho sa molao wa motheo) se hlahellang Molaong lenane la ditho tse sisintsweng kapa mefuta ya ditho tsa mokgatlo tlhaloso ya puisano e seng e tshwerwe ho rala tshisinyo le sephetho sa puisano eo.
Ho ile ha tshwarwa Sebaka sa tshebetso puisano jwang Sephetho Mesebetsi ka metsi ebile sefe?
Mesebetsi e sisintsweng Theha Tshebeidso ya metsi?
Letona le tla ananela ho thehwa ha MBM ha MBM e phahamisa tse rerilweng jwalo ka ha di hlahella ho Sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi.
Tshisinyo ya ho theha MBM e lokela ho tsamaelana le Lewa la Tsamaiso ya Polokelo la ATP.
E nngwe ya dintlha tse lokelang ho kenyelletswa tshisinyong ke molao theo o sisintsweng wa MBM.
Molao wa Naha wa Metsi o hlakisa dintlha tse lokelang ho lokiswa molaong wa motheo wa MBM. Mola (Shejule ya 5) o bole o kenyelletsa moralo wa molao wa motheo o ka sebediswang e le motheo wa ho rala molao wa motheo.
Ha molao moralo wa motheo wa MbM o ka nna wa kenyelletsa mesebetsi ya MBM, sena ha se bolele hore ha ho potang MBM e tla ba le mosebetsi ena ha e thehwa.
Ba etsang kopo ya ho theha MBM ba lokela, e le karolo ya mosebetsi wa ho theha, ho etsa kopo ya mesebetsi hore e fuwe MbM. Sena se ka etswa ka lengolo ha ho kenngwa tshisinyo bakeng la tekolo.
Letona le ka batla hore ho be le dipehelo tsa tlatsetso tse kenngwang molaong wa motheo wa MBM. Dipehelo tsena dilokela ho ananelwa ke ditho tsa mokgatlo le ho dumellwa ke Letona pele MBM e ka sebedisa matla a yona kapa ya phetha mesebetsi le ha e le efe.
Tshehetso ke efe eo Letona le ka fanang ka yona ho thehweng ha MBM?
tlhaloso ya sebaka sa tshebetso kgetho ya mofuta le bokae ba mehlodi ya metsi e ka laolwang, le matla le mesebetsi e tlang ho hloka ho fuwa MBM.
setjhaba se hlokang bokgoni ba ho hlophisa le ho ntshetsapele ditlhophiso tse hlokehang tsa setsha. Ka ho qolleha, thuso e ka fanwa moo ntshetsopele (jwalo ka ho thuswa ka ntshetsopele ya borapolasi ba batjha) e hloka h phahamiswa ka ho thehwa ha MBM.
Diboto toshle tsa ho nosetsa le diboto tsa taolo ya metsi a katlasa mobu tse neng di le teng pele ho tshebetso ya Molao di lokela ho fetolelwa ho MBM. Diboto tse itseng tsa metsitse thehuweng ho latela Molao wa Metsi wa mehlengwa ka seipheo sa ho nosetsa thepa di lokela ho fetolelwa ho MBM.
Hantlentle phetolo ya diboto tsa ho nosetsa e bolela hore di lokela ho fetola dibaka tsa tsona tsa tshebetso le boemo ba tsona ba tsamaiso ho ba le kemedi e kenelletseng ho latela popeho ya sebaka, ho latela borabe le bong.
Hobaneng ho lokela ho fetoha?
Afrika Borwa e na le nalane ya phihlello e sa lekaneng ya mehlodi. Phetoho ke enngwe ya mekgwa ya ho fihlella tekano. Letona le ntshitse ditataiso mabapi le ho thehwa ha komiti ya tsamaiso ya boto ya ho nosetsa e fetohileng.
Bokgoni ba MBM ho itshehetsa ka tjhelete ke ba bohlokwa hore e dule e sebetsa. Ho thw ha MBM ho a kgoneha feela ha ditho di kgona ho lefella ditjeho tsa tsamaiso ya MBM ha mmoho le tshebetso le poloko ya mesebetsi le ha e le efe ya bohlokwa e amahanngwang le MBM. MBM ha nagata e tshehetswa ka ditefiso tsa ditho tsa yona tse bitswang ditefiso tsa tshebediso ya metsi?
mehlodi e meng e ikamahanyang le ditlhoko tsa Molao jwalo ka mananeo a thuso kapa phano ka tjhelete.
MBM e ka hlahloba ditefiso selemo ka seng dithong tsa ona ha molao wa ona wa motheo o lokiseditswe ho tobana le sena. Ditefiso tsena di lokela ho amana le lewa la tefiso la tshebediso ya metsi le behuweng ke Letona.
Letona le ka boela la fana ka thuso ya ditjhelete ho MBM bakeng la ho fihlella dipheo tsa Molao wa Naha wa Metsi (ho ikamahantse le melawana e entsweng tlasa Molao).
Lefapha le hlahisitse leano la ho fana ka thuso ya ditjhelete ho banosetsi ba ntse ba le teng le ba batjha ba dihlopha tseo ho latela nalane di neng di tinngwe menyetla tseo e leng ditho tsa MBM.
boemo ba ditjhelete ba moamohedi; le tlhokeho ya tshireletso ya mehlodi ya metsi.
Molao wa motheo wa MBM o lokela ho lokisetsa ho thonngwa ha Komiti ya Tsamaiso ha mmoho le Modulasetulo le Motlatsi wa Modulasetulo.
Komiti ya Tsamaiso e ikarabella ka ho otloloha dithong tsa MBM. MBM e ikarabella ka ho phatlalletseng ho Letona. Ha Letona le fana ka mosebetsi wa ho hlokomela tshebetso ya MBM ho ATP, MBM e ikarabella ho ATP.
Keng mesebetsi le boikarabelo ba MBM?
Mesebetsi ya MBM e itshetlehile ka molao wa motheo wa ona o ananetsweng.
Ho thibela tshenyo ya metsi ho tswa mohloding le ha e le ofe wa metsi.
Ho sireletsa mehlodi ya metsi.
Ho thibela tshebediso le ha e le efe ya metsi e seng molaong.
Ho tlosa kapa ho hlophisetsa ho tloswa ha tshitiso e behuweng ka ho seng molaong moo ho phallang metsi.
Ho thibela ketso le ha e le efe e seng molaong e ka fokotsng boleng ba metsi mohloding le ha e le ofe wa metsi.
Ho laola phallo efe kapa efe ya metsi.
ho fokotswa ha kotsi ya tshenyo ya mobu moo ho nang le dikgohola; le ho fetolwa ha sebaka sa phallo ya metsi ho ba ka mokgwa oo se neng se le ka ona pele moo e leng hore se ile sa fetolwa ke tlhaho teng.
Dibaka tseo metsi a ka sebediswang ke motho le ha e le ofe ya nang le tokelo ya ho sebedisa metsi ho tswa mehloding ya metsi.
monya mobu; le fepela ka metsi mobung bakeng la ho nosetsa kapa dipheo tse ding.
ho lekanya le ho arola; kapa laola ho fetoha ha moo metsi a phallelang teng.
MbM di ka fana ka matla a tlatsetso, le mesebetsi ho ATP kapa Letona.
Keng melemo ya basebedisi ya ho theha MBM?
Molemo wa basebedisi ba MBM o tla ikamahanya ka sepheo seo MBM e thehetsweng sona.
Moo e leng hore ho na le dikema tsa ho nosetsa bakeng la borapoolasi ba hebang kapa ba qalang, ho theha mebaraka ya MBM ho etsa ho be le kgonahalo ya tshebedisano boemong ba moruo boo tlang ho arolelanwa ke ditho. Ntshetsopele ya dibaka tse nang le tlahiso e nyane hangata tse se nang maemo a tsitsitseng a ditjhelete.
Moo e leng hore MBM e thehuwe ho laola tshebediso ya boikgathollo, kuno ya molemo ke hore mokgatlo o le mong o ba le boikarabelo ba tshebediso ya mohlodi o qollehang wa metsi ka sepheo sa boikgathollo. Sena se dumella MBM ho nka tsamaiso e loketseng le ho lekanya dikgahleho tsa basebedisi ba fapaneng ho phema kgohlano. Ha sehlopha se batla ho thea WSA ya metsi a itseng ka ho qolleha, ba tla lokela ho tsebahore na MBM o tla tse lekaneng molemong wa ditho. Botho ba MBM bo ka boikgethelo, ha MBM e sa fane ka melemo e lekaneng, ha o na kgona ho boloka ditho (ho ntse ho hlokometswe hore dipehelo di a sebetsa).
Shejule ya 5 ya Molao wa Naha wa Metsi e laola tshebetso ya MBM, ho fihla moo Letona le hlalositseng teng.
Shejule 4 ya Molao wa Naha wa Metsi e etsa dipehelo tse kenelletseng tsa tsamaiso le tshebetso ya MBM.
MOLAO WA NAHA WA METSI No.
Letona, ka mora ho ikopanya le mokgatlo wa basebedisi ba metsi, le ka laela hore motho ya amohetsweng e le setho sa mokgatlo ka dipehelo tse hlokang leeme le tse lekanang.
Ka nako tse ding Letona le ka kena dipakeng tshebetsong ya MbM. Letona le etsa sena ka ho laela MBM ho etsa t/se itseng. Ha e ba MBM ha e tsamaelane le taelo, tshehetso ka tjhelete eo MBM o ka be o na le yona e ka hulwa ho fihlela o phetha ho ya ka taelo.
Letona le ka fedisa ho tshwara kantoro ha setho ka ho fa MBM tsebiso le setho se amehang. Maemong a jwalo, Letona le ka hlophisa hore sekgeo se komiting ya tsamaiso se tlatswe.
Ha MBM e hloleha ho ikobela taelo, Letona le ka nka mesebetsi eo ho fihlela MBM e ikamahanya le taelo. Letona le ka boela la kgutlisa ditjeho tse fumanweng ha le ne le nka mosebetsi kapa mesebetsi nakong eo ho MBM.
ha Letona le se le nkile matla kapa mosebetsi wa mokgatlo ka lebaka la ho se utlwane ka hara komiti ya tsamaiso kapa ditho tsa yona; kapa ha e le hore mokgatlo ha o sa sebetsa kapa ha o na molemo.
ho phatlalatsa tsebiso ka motheo o sisintsweng mema maikutlo ka motheo osisintsweng, le ka mora ho lekola maikutlo ohle a fumanweng.
ATP di na le boikarabelo ba ho tsamaisa mehlodi ya metsi bakeng satsamaiso ya metsi sohle.
MBM ka tlwaelo di na le kgahleho ya selehae.
ATP e na le Boto ya Bolaodi e emetseng ba nang le seabo ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
ATP e tla hlophisa Lewa la Tsamaiso ya Polokelo ho shebana le dintlha tse mabapi le mehlodi ya metsi sebakeng sohle sa tsamaiso ya metsi.
Lewa la Tsamaiso ya Polokelo la ATP le tla fana ka tataiso ho Letona hore MBM o qollehang o ka thehwa le hore mesebetsi eo o tlang ho e phetha e lokelang ho ananelwa ke efe hore o e phethe sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
MBM e emetse karolo e nyane ya kgahleho, hangata ke karolo ya basebedisi ba metsi ba leng sebakeng se itseng.
MBM e fana ka moralo wa setsha wa selehae oo ka ona Lewa la Tsamaiso ya Polokelo le ka kenngwang tshebetsong boemong ba selehae.
<fn>sot_Article_National Language Services_MELAETSA YA BOHLOKWA.txt</fn>
Fense e potolohang ntlo e na le diheke tse notlelwang e betere ho ena le lebota le phahameng hobane o kgona ho bona ho etsahalang. Terata e sehang, terata e meutlwa e hlabang, makotikoti a sa tshelang letho kapa ditshepe tse llang di ka tlamellwa fenseng ho eketsa mokgwa wa temoso nako e sa le teng. Hopola, diheke di tlameha ho dula di notletswe.
Diheke tsa tshireletso tse nang le dinotlolo tse matla ka pele ho lemati le leng le le leng le ka ntle, ekasitana le ditshepe tse thibelang mashodu ho kena tse kentsweng fenstereng ka nngwe. Boloka diheke tsa tshireletso di notletswe ka dinako tsohle.
Heke ya tshireletso ka hara ntlo, e arolang diphaposi tsa ho robala le diphaposi tse ding tsa ntlo, e ka ba bohlokwa haholo ha ho ka etseha hore ho be le motho ya ka kenang ka tlung. Ho tshwanetswe hore ho kengwe le sesebediswa sa ho hokahana le batho ba bang tlasa maemo a tshohanyetso sebakeng sena.
Ka dinako tsohle, dithunya di tshwanela ho ba dibakeng tseo di ka fumanehang ha bonolo ha di batleha, mme ha ho kgoneha se ka dula mothong. Etsang bonnete ba hore ka mehla le isa dibetsa tsa lona ho ya hlahlojwa hore di ntse di sebetsa hantle le hore motho ya tshwereng sebetsa o a tshwaneleha ho sebedisa sebetsa seo.
Phala ya mokgosi marulelong, e be le diswitjhi tse mmalwa ka tlung, yona e ka utlwahala le hole ha mekgwa e meng ya dikgokahano e hloleha o sebetsa. Ke ntho ya bohlokwa ho hlahloba disebediswa tsena nako le nako ho bona hore di ntse di sebetsa hantle le hore di ntse di utlwahala le ha o le hole haholo.
Dintja le dikgantshi tse lebelang ke mokgwa o motle wa ho lemosa. Di boloke di notlelletswe haufi le ntlo e le hore batho ba sa tsejweng ba se ke ba di bona ha bonolo.
Batho ba tswang ka ntle ba leng tikolohong ya lona kapa ba ntseng ba solla tikolohong ya lona ntle ho lebaka.
Dikoloi tse sa tsejweng tse sebedisang mebila ya mapolasing kapa ba bile ba behile diahelo tsa bona tsa nakwana tikolohong. Hlokomela mehlala e sa tlwaelehang.
Ho tloha setlwaeding ha boitshwaro ba mosebeletsi. Ho ja kapa ho reka dijo tse ngata ho feta tlwaelo ke basebetsi. Phetoho ya boitshwaro ba basebetsi ka potlako feela ka mora ho hirwa ha motho e mong e motjha.
Ho shwa ha ntja e lebelang ka tsela e ke keng ya hlaloswa.
Sheba bopaki ba ho ba teng ha batho ntle le tumello, mohlala, mabotlolo kapa makotikoti a sa tshelang letho, mabokoso a kenyang dintho tse itseng, dikgetjhana tsa dipampiri, dikonopo tse ka bang di kgaohile, masela a ka nna ba a tabohile, mehlala ya maoto kapa dieta, mello e tukileng moo ho neng ho hlonngwe diahelo tsa nakwana, mekoti ya metsi le meedi ya noka, masalla a dijo, ditompi tsa disakarete, mabokoso a sa tshelang letho, mantle, dithapo, jj.
Boshodu ba dijo, dibeso, mehlape le diphoofolo tse tsongwang.
Batho ba sa tsejweng ba etelang ha hao tlasa mabaka a utlwahalang e be ba leka ho sheba dintho tse ding ka ho ipata.
Sebedisa ditokelo tsa hao jwalo ka monga polasi. Batho ba sa tsejweng ba kenang polasing kapa basebetsi ba etileng ba lokela ho fumana tumello ya hao pele.
Bopang dikamano tse ntle le basebetsi ba bang.
Bolokang dikhopi tsa ditokomane tsa Boitsebiso tsa basebetsi bohle.
Kgothaletsang basebetsi bohle ho fadimeha bakeng sa tshireletso le ho tlaleha bonokwane bohle.
Lefa basebetsi ba hao bakeng sa ditemoso le ditsebiso tse molemo.
O se ke wa dumella motho ofe kapa ofe polasing ya hao kapa ka tlung ya hao pele o ka mo tseba ka botlalo, haholoholo bosiu.
Disebediswa tsohle tse ka sebediswang jwalo ka dibetsa di lokela ho notlellwa ha di sa sebediswe.
Tlosa dinotlolo makoloing ohle ha a sa sebediswe.
Ha o tloha lapeng, itlwaetse ho tsebisa ba lelapa hore o ya ho kae, hore o tla tsamaya ka tsela efe, le hore o tla kgutla neng.
Hlahloba thelefono ya hao kgafetsa ho etsa bonnete ba hore e sebetsa hantle. Etsa hore ba ho kenyetse thelefono ya hao sebakeng seo o ka se fihlelang ha bonolo le ha o le nqeng efe kapa efe ya ntlo, mme e se ke ya ba moo o ke keng wa sireletseha ha ho ka etseha hore o sutjwe ka sethunya fenstereng.
E ba le taolo e matla ya dinotlolo tsa hao ho thibela hore ho se etswe dikhopi tse ding tsa tsona.
Ka mehla tshwara totjhe letsohong bosiu, mme ha o sebedisa totjhe etsa bonnete ba hore ha e etse hore o bonahale moo o emeng teng.
Nka mehato ya tshireletso kgahlano le boshodu ba dibeso le thepa e nngwe.
Fapanya dintho tseo o tlwaetseng ho di etsa letsatsi le letsatsi.
Itlwaetse ho se robale hang ka mora ho ba o time mabone bosiu. Dula o ntse o shebile bakeng sa nakwana. O se ke wa robala sebakeng se tla etsa hore o bonahale ka ntle.
O se ke wa ema ka pela difenstere ha o bula kapa o kwala dikgaretene. Sutha le kgaretene hore o se ke wa etsa hore o tle o kgonwe ho ka ntshiwa kotsi ha bonolo hobane o bonahala moo o leng.
Nka ditshwantsho le kgatiso tsa menwana tsa basebetsi bohle. Le ha tsena di ke ke tsa sebediswa, tsona di ntle haholo bakeng sa thibelo.
Ho ikwetlisa ho thunya ka polasing kgafetsa (ka ho ya ka mehato e bolokehileng) ke thibelo e nngwe e ntle ya bao ba ka bang dinokwane.
Tsebisa bana ba hao ka mekgwa e nepahetseng ya ho araba thelefono le hore ba qobe ho bua nako e telele le batho ba sa ba tsebeng thelefonong kapa ba se amohele dimpho ho tswa bathong ba sa ba tsebeng.
Nahana - o se ke wa tshoha. Taolo ke yona ntho e ka pele tshireletsong ya hao.
Lekola maemo na ho na le motho ya haufi Etsa lerata le lengata ka ho ya ka moo o ka kgonang?
Ha o kgothaletswe hore o lwantshe motho ya ho futuhetseng ntle le ha e be hoo ho tla etsa hore o kgone ho baleha KA YONA NAKO EO.
Ha ho ka etseha hore o lwantshane le yena, o se ke wa senya nako. Ntsha motho ya ho futuhetseng kotsi. Etsa hore a se ke a kgona ho tsamaya ka ho sebedisa mekgwa ya boitshireletso ho fihlela o fumana thuso kapa o kgona ho baleha.
Ha ho sa kgonehe hore o mo lwantshe, sheba matshwao ao o ka mo hopola ka ona. Sheba hore a ka be a le dilemo di kae, botelele ba hae, mmala wa moriri, mabadi, diaparo, ka moo a buang ka teng le mekgwa ya boitshwaro ba hao.
Leka ho siya bopaki bo bongata ka ho ya ka moo ho ka kgonehang sebakeng seo o futuhetsweng ho sona. Dikgatiso tsa menwana, disakatuku, mabenyane kapa ntho efe kapa efe e tla thusa hore batho ba tsebe ka yona ha morao.
Batho ba bang ba bileng diphofu ba kgonne ho itokolla bafutuheding ba bona ka ho buisana ha monate le bona (leqheka la ho ipuella hore o be o lokollwe).
<fn>sot_Article_National Language Services_MELAWANA YA LEKGOTLA.txt</fn>
Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa, tlasa karolo ya 171 ya Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, 1996, le karolo ya 16 ya Molao o Tlatsetsang wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 (Molao No. 13 wa 1995), jwalo ka ha o fetotswe, o balletse melawana e fuperweng ke Sehlomathiso se latelang se laolang ditaba tse amanang le tsamaiso malebana le Lekgotla la Molao wa Motheo mme e tla sebetsa ho tloha mohla la 29 Motsheanong 1998*.
Karolo ya IV Mekga molawana wa 6-?
Karolo ya VII Ditaba tse bolaoding ba Lekgotla ka ho kgethehileng molawana wa 14-?
Karolo ya VIII Ho fihlella ka ho otloloha le boipiletso molawana wa 18-?
Karolo ya IX Ditefiso le ditshenyehelo molawana wa 22-?
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 Molao No.
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 Molao No.
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 Molao No.
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 Molao No.
Melawaneng ena lentswe kapa polelo efe kapa efe e nehilweng moelelo ho Molao wa Motheo e tla boloka moelelo oo, ntle le ha mokotaba o bontsha ka mokgwa o mong?
afidavite tlaleho e nketsweng kano' e kenyeletsa nnetefatso kapa phatlalatso e lohothwang ke karolo ya 7 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomishenare ba Dikano, 1963 Molao wa No?
ho etsa kopo' ho bolela ho kopa ho latela tsebiso ya tshitshinyo, mme kopo?
tliniki ya molao' e bolela setsi bakeng sa thupelo ya mosebetsi wa molao ho baithuti ba lefapha la molao la yunivesithi Rephaboliking, mme e kenyeletsa le setsi sa molao se laolwang ke mokgatlo o sa shebang phaello o nehelanang ka ditshebeletso tsa molao ho setjhaba ntle ho tefiso mme e nnetefatswe jwalo ka ha ho hlahiswa ho karolo ya 3 (f) ya Molao wa Babuelli, 1979 (Molao wa No.
moemedi wa molao' o bolela mmuelli wa lekgotla le phahameng ya amohetsweng ho latela karolo ya 3 ya Molao wa Kamohelo ya Babuelli ba Lekgotla le Phahameng, 1964 (Molao wa No. 74 wa 1964), kapa mmuelli ya amohetsweng ho latela karolo ya 15 ya Molao wa Babuelli, 1979 (Molao wa No.
Sherifi' o bolela motho ya thontsweng ho latela karolo ya 2 ya Molao wa Disherifi, 1986 Molao wa No.
Melawana ya Lekgotla le Phahameng la Boipiletso' e bolela melawana e laolang tsamaiso ya ditshebetso tsa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso No. R.?
Melawana e Tshwanang' e bolelang melawana e laolang tsamaiso ya ditshebetso tsa dikarolo tse ngata tsa makgotla a phahameng a diprovense le mahae e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso No. R.48 ya 12 Pherekgong 1965, jwalo ka ha e lokisitswe?
Matla afe le afe kapa taolo e matsohong a Moahlodi e Moholo ho ya ka melawana ena a ka sebediswa ke moahlodi kapa baahlodi ba thontsweng ke Moahlodi e Moholo ka sepheo seo.
Ho lebisa hofe kapa hofe melawanang ena ho mokga o tshwanetseng ho saena ditokomane ho tla nkuwa ho kenyeletsa ho lebisa ho moemedi wa molao ya emetseng mokga o jwalo, mme ho lebisa ho nehelano ya ditokomane ho Mongodisi ho kenyeletsa tshebetso ya ka pele ya ditokomane tse jwalo ho mekga e meng le nehelano ho Mongodisi, ya dikhopi tse 25 tsa ditokomane tse lokelang mme le tlhahiso ya khopi ya khompyutha ya tsona e tsamaelanang le tshebetso ya dikhompyutha tsa Lekgotla.
Ditsebiso, ditataiso kapa tse ding dikgokahano ho latela melawana ena di ka nehwa kapa tsa romelwa ka poso e nang le tiiso kapa ka fekse kapa khopi ya khompyutha: Ha e le hore, tsebiso kapa e nngwe ya kgokahano e nehelwa ka khopi ya khompyutha, mokga o nehuweng tsebiso e jwalo kapa kgokahano hanghang o tla nehela ho Mongodisi khopi e hatisitsweng ya tsebiso kapa kgokahano, le lengolo la tiiso le saennweng ke mokga o jwalo le nnetefatsang letsatsi la kgokahano kapa tsebiso e jwalo.
Moahlodi a Moholo a ka atolosa moedi wa nako efe kapa efe e balletsweng melawanang ena.
Diphehisano tse ngotsweng, dikarabo le ditlhahiso dife kapa dife tse ding ho Lekgotla di tla hlaka mme di be kgutshwane.
Dikopo di tla baleha mme mela e siyane ka dibaka tse pedi, e ngolwe ka mokgwa wa motjhini pampiring ya boholo ba A4.
Ho ya ka molao 5, dipehelo tsa molao 4 tsa Melawana e Tshwanang di tla sebetsa, ka ditokiso tse ka hlokehang, ho nehelana ka tshebeletso le ho efe kapa efe tshebetso ya Lekgotla.
Pudungwana ho ya ho 30 Pudungwana, ho kenyeletswa matsatsi ana ohle.
Nyewe e ka nna ya dulelwa ka nako e ka ntle ho ya tshebetso ha Moahlodi e Moholo a laela jwalo.
Ha letsatsi le behetsweng ho qadisa ha nako ya tshebetso e se letsatsi la Lekgotla, nako ya tshebetsso e tla ba letsatsing le hlahlamang la Lekgotla, mme ha letsatsi le behetsweng ho ba la ho qetela la nako ya tshebetso e se letsatsi la Lekgotla, nako ya tshebetso e tla fela letsatsing le etellang pele letsatsi la Lekgotla.
Ofisi ya Mongodisi e tla bula ho tloha ka 08:30 ho ya ho 13:00 ho tloha ho 14:00 ho ya ho 15:30 matsatsing ao Lekgotla le dulang ka ona.
Maemong a sa tlwaelehang Mongodisi a ka amohela ditokomane ka nako e ka ntle ho dihora tsa mosebetsi, mme hoo o tla ho etsa ha a laelwa ke moahlodi.
Tsebiso ya boipiletso, taelo ya lekgotla e romelang morero ofe kapa ofe wa lekgotla le leng ho Lekgotla, kapa tokomane e nngwe eo ditshebetso tsa yona di qalwang Lekgotleng ho ya ka melawana ena e tla nomorwa ke Mongodisi ka nomoro ya tatelano ya selemo seo ho nehelanwang ka yona..
Tokomane e nngwe le e nngwe e kentsweng ya nyewe e jwalo ka mora moo kapa le efe nyewe e latelang ho tswela pele ka yona e tla tshwauwa ka nomoro eo ke mokga o e kenyang mme e ke ke ya amohelwa ke Mongodisi ho fihlela e tshwauwe jwalo.
Ditokomane tsohle tse tlisitsweng ho Mongodisi hore di tlo kena faeleng ya nyewe di tla kenngwa faeleng ke Mongodisi faeleng ya nyewe tlasa nomoro ya nyewe e jwalo.
Ditokomane tsohle tseo ho lebiswang ho tsona ho molawana o monynyane wa 1 di tla tlameha ho lefellwa R75,00 ya ditefiso tsa lekgotla ka mokgwa wa ditempe tsa tjhelete e kenang ho mmuso: Ho itshetlehile tabeng ya hore mokga o kgotsofatsa Mongodisi ho ya ka molawana o monyenyane wa 5 hore ke mofumanehi, tefo ya ditefiso tsa lekgotla e tla qhelelwa ka thoko ke Mongodisi ya tla ngola ntlha ya ketso eo leqepheng la pele la tokomane eo ho buuwang ka yona.
Mokga o lakatsang ho qadisa kapa ho phehisana le ditshebetso tsa Lekgotla mme ya nahanang hore ke mofumanehi, kapa le mang feela bitsong la mokga o jwalo, o tla kgotsofatsa Mongodisi hore, ka ntle ho thepa ya ntlo, diaparo le disebediswa tsa ho sebetsa, motho wa mokga o jwalo ha a na thepa e ka fihlellang ho R20000 mme a ke ke be a kgona ho nehelana ka tjhelete e kaalo nakong e amohelehileng ho tswa tjheleteng eo a e fumanang?
Moo ho etsuwang difotokhopi teng, tefiso e balletsweng ho molawana o monynyane wa 6a e tla lokela ho lefshwa. Dikhopi tsa rekoto di ka etsuwa le ke mang feela ha Mongodisi a le teng.
a Mongodisi o tla etsa khopi ya tokomane le efe ya lekgotla tlasa kopo ya mokga mabapi le tefiso ya lekgotla ya tefello ka ditempe tsa tjhelete e kenang ya R0,50 bakeng sa khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona mme malebana le tefo ya tefiso ya R1,00 o tla tiisa hore ke khopi ya nnete ya khopi ya motheo.
b Tefello ya ditefiso tsa lekgotla e ka qhelelwa ka thoko ke Mongodisi ha motho eo ho lebiswang ho yena e le mofuma ho ya ka melawana e menyenyane ya 4 le 5.
Ha Lekgotla le etsa phatlalatso ya taelo kapa le tiisa molao ofe kapa ofe kapa pehelo ya ho se tsamaelane le Molao wa Motheo tlasa karolo ya 172 ya Molao wa Motheo, Ho sa feta matsatsi a 15 taelo e jwalo e entswe Mongodisi o tla etsa hore, taelo e jwalo e phatlalatswe Lesedinyaneng la Mmuso le ho masedinyana a jwalo a diprovense ha taelo e ama melawana ya provense.
Mongodisi o tla phatlalatsa lenaneo la dikopano tsa ho mamela, e tla mamaretswa botong ya ditsebiso moahong wa Lekgotla nakong e seng ka kwano ho matsatsi a 15 pele ho karolo ka nngwe ya sehla sa tshebetso ho hlophisetsa baemedi ba molao le tsebiso ya setjhaba.
Tataiso mabapi le tshebetso efe kapa efe e tla nehelwa ho mekga ke Mongodisi nakong ya matsatsi a mahlano ditataiso tse jwalo di nehilwe.
a Mongodisi o tla boloka direkoto tsa Lekgotla mme a ke ke a dumella hore le dife tsa tsona di tloswe meahong ya lekgotla.
b Tokomane efe le efe e kentsweng ho Mongodisi mme e entsweng karolo ya direkoto tsa Lekgotla e ke ke be ya tloswa ka botlalo difaeleng tse molaong tsa lekgotla.
c Ka mora phethahatso ya ditshebetso tsa Lekgotla, direkoto dife le dife tsa motheo le dipampiri tse tlisitsweng kgotla ka taelo efe kapa efe ya lekgotla di tla kgutlisetswa lekgotleng leo di neng di fumanwe ho lona.
a Ha ho hlokomeleha ho Mongodisi hore mokga ha o na boemedi, o tla lebisa mokga oo ho ofisi e haufi kapa ofisiri ya Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, Boto ya Dithuso ho tsa Molao, tliliniki ya tsa molao kapa lekgotla le jwalo le tshwanelehileng kapa setsi se ikemiseditseng mme se maemong a ho thusa mokga o jwalo.
b Mmuso kapa Mongodisi o ke ke wa ba le boikarabelo bakeng sa tshenyeho efe kapa efe kapa tahlehelo e bakilweng ke thuso e nehuweng ka moya o motle ke Mongodisi mokgeng o jwalo ditshebetsong tsa Lekgotla kapa phethahatsong ya taelo ho ya ka melawana ena ka mokgwa wa keletso ya molao kapa tlhophisong kapa tokisong ya tshebetso kapa tokomane efe kapa efe.
Morerong ofe kapa ofe, ho kenyeletsa le boipiletso bofe kapa bofe, moo ho nang le phehisano ka ho tsamaelana le molao wa motheo wa tshebetso efe kapa efe ya phethahatso kapa ya tsamaiso kapa boitshwaro kapa tshoso ya ketso ya phethahatso kapa ya tsamaiso kapa ya boitshwaro, patlisisong efe kapa efe mabapi le ho tsamaelana le molao wa motheo ha molao ofe kapa ofe, ho kenyeletsa le Molao wa Palamente kapa molao wa provense, kapa bolaodi bo nang le boikarabelo ba phethahatso kapa tsamaiso kapa boitshwaro kapa tshoso ya bona kapa tsamaisong ya molao ofe kapa ofe o jwalo o sa bolelwang e le karolo ya nyewe, mokga o botsolotsang ho tsamaelana le molao wa motheo wa ketso e jwalo kapa boitshwaro kapa molao o tla nka dikgato tsa ho kopana le bolaodi bo amehang ho ba karolo ditshebetsong, nakong ya matsatsi a mahlano a ho kenya tokomane ho Mongodisi moo pelaelo e jwalo e hlahiswang lekgetlo la pele ditshebetsong pela Lekgotla. Ha ho taelo e phatlalatsang ketso e jwalo, boitshwaro kapa molao o sa tsamaelaneng le molao wa motheo e tla etsuwa ke Lekgotla tabeng e jwalo ntle le ha ditlhophiso tsa molao ona di ananetswe.
Ntle le moo Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo a laelang ka mokgwa o mong, ha ho motho ya tla ba le tokelo ya ho hlaha lebitsong la mokga ofe kapa ofe ditshebetsong tsa Lekgotla ntle le ha eba o na le tokelo ya ho hlaha pela makgotla a phahameng.
Ha mokga o eshwa kapa o se be boemong ba ho tswela pele ka ditshebetso dife kapa dife, ditshebetso ka lebaka leo di tla emiswa ho fihlela moemedi ya nehuweng matla kapa motho ya boemong bo amohelehang a thontswe bakeng sa mokga o jwalo, kapa ho fihlela ho se boemong bo jwalo ho fela ho ba teng.
Moo motho ya nehuweng matla kapa ya boemong bo amohelehang a thontswe, ho ya ka kopo, Lekgotla le ka laela hore motho ya jwalo ya nehuweng matla kapa ya boemong bo amohelehang a nke sebaka sa mokga o shweleng kapa o seng boemong.
Motho ofe le ofe ya nang le tokelo ya ho ikamahanya jwalo ka mokga kapa ya nang le boikarabelo ba ho ikamahanya jwalo ka mokga ditshebetsong ka nako efe kapa efe ya ditshebetso a ka kopa tesello ya ho kenella jwalo ka mokga, ha a tsebisitse mekga yohle. Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo ka mora ho fumana kopo e jwaloa etse taelo e jwalo, ho kenyeletsa le efe taelo ho ya ka ditshenyehelo, le ho nehelana ka ditataiso tse jwalo mabapi le e meng mekgwatshebeso ditshebetsong tse ka hlokehang.
Matla a boemedi ha a hloke ho kenngwa faeleng, empa matla a setsebi sa molao a ho sebetsa lebitsong la mokga ofe kapa ofe a ka phehiswa ka tsebiso, nakong ya matsatsi a 21 ka mora ho hlokomelwa ke mokga ofe kapa ofe hore setsebi sa molao se sebetsa jwalo, kapa ka tumello ya Lekgotla ka moya o motle o bontshitsweng le neng feela pele ho kahlolo, mme ka mora moo setsebi sa molao ha se a tshwanela ho sebetsa jwalo, ntle le ha matla a boemedi a kentswe ho Mongodisi nakong ya matsatsi a 21 a tsebiso e jwalo.
Matla a mang le a mang a boemedi kapa nehelano ya matla a tla kenngwa mme a saenwe ke kapa lebitsong la mokga o nehanang ka ona, mme a tla ntshetswa pele ka tshwanelo ho ya ka molao.
Ha ho matla a boemedi kapa nehelano ya matla e tla hlokwa hore e kenngwe le ke mang feela ya sebetsang lebitsong la Mmuso.
Ka ho ya ka melawana ena, motho ofe le ofe ya nang le thahasello ho ntho efe kapa efe e pela Lekgotla, ka tumello e ngotsweng ya mekga yohle e amehang tabeng e pela Lekgotla, e nehuweng ho sa feta nako e behilweng ho molawana 5, a ka amohelwa kgotla jwalo ka motswalle wa lekgotla amicus curiae tlasa ditaelo le maemo le ditokelo le ditesello tseo ho ka dumellanwang ka tsona ka ho ngolwa ke mekga yohle e pela Lekgotla kapa ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a tataisang ka teng ho ya ka molawana o monyenyane wa 3.
Tumello e ngotsweng e bolelwang ho molawana o monyenyane wa 1 e tla kenngwa ho Mongodisi, nakong ya matsatsi a mahlano ka mora hoba e fumanwe, mme motswalle wa lekgotla, ho eketsa ho ditlhophiso dife le dife tse ding, o tla ananela dinako tseo ho dumellanweng ka tsona bakeng sa ho kenya tseko e ngotsweng.
Moahlodi a Moholo a ka lokisa ditaelo, maemo, ditokelo le menyetla eo ho dumellanweng ka yona jwalo ka ha ho boletswe ho molawana o monyenyane wa 1.
Haeba tumello e ngotsweng eo e bolelwang ho molawana monyenyane wa 1 ha e a fumanwa, motho ofe le ofe ya nang le thahasello tabeng efe le efe e pela Lekgotla a ka etsa kopo ho Moahlodi e Moholo hore a amohelwe moo jwalo ka motswalle wa lekgotla amicus curiae, mme Moahlodi e Moholo a ka amohela kopo e jwalo tlasa ditlamo le maemo mmoho le ditokelo le menyetla eo a ka fihlellang qeto ya yona.
Ha meedi ya nako e sa ballwa ditataisong tse nehuweng tabeng eo kopo e tobaneng le dinehelano tsa molawana o monynyane wa 4 e tla etsuwa ho sa feta matsatsi a mahlano ka mora ho kenya tlhahiso e ngotsweng ya mokopi kapa ka mora ho fela ha nako ya ho kenya tlhahiso e jwalo.
b hlwaya hakgutshwane kemo e tla nkuwa ke motswalle wa lekgotla ditshebetsong; ebile c manolla ditlhahiso tse tla hlahiswa ke motswalle wa lekgotla, ho tsamaelana ha tsona le ditshebetso le mabaka a hore a kgolwe hore ditlhahiso di tla thusa Lekgotla mme di arohile ho tsa mekga e meng.
Motswalle wa lekgotla o tla ba le tokelo ya ho kenya tseko e ngotsweng, ho itshetlehile hore tseko e jwalo ha e phete ntlha e behuweng ho tseko ya mahlakore a mang mme e hlahisa dintlha tse ntjha tse ka bang le thuso ho Lekgotla.
Ho ya ka dipehelo tsa molawana wa 31, moedi wa motswalle wa lekgotla o tla fella ngodisong ya boipiletso kapa tjhebong ya dintlha tse fumanweng di tiiswa ditshebetsong tse ding mme di ke ke tsa eketswa mme tsa hlahiswa puisanong ya molomo.
Taelo e nehelanang ka kamohelo jwalo ka motswalle wa lekgotla e tla kgetholla letsatsi la ho kenya tseko e ngotsweng ya motswalle wa lekgotla kapa le efe taba e nngwe e nang le nyalano.
Taelo ya Lekgotla e shebaneng le ditshenyehelo e ka etsa tlhophiso ya tefo ya ditshenyehelo tseo ho kenweng ho tsona ke kapa ka lebaka la kenello ya motswalle wa lekgotla.
Pehelo ya molawana wa 13 e tla sebetsa, le ditokiso tse ka hlokehang, ho motswalle wa lekgotla.
a taba e lohothwang karolong ya 1674a ya Molao wa Motheo, le b ho fumana ditataiso Lekgotleng, kopo e jwalo e tla tliswa ho tshitshinyo ya tsebiso e tshehetswang ke afidavite tlaleho e nketsweng kano e leng dintlha tseo mokopi a tshepetseng ho tsona hore a fumane tesello mme o tla bolela aterese [e ka bang dikilometara tse 25 ho tloha ofising ya Mongodisi] a bolela aterese ya bodulo le ya poso le fekse, dinomoro tsa founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, ha di fumaneha, moo a tlang ho amohela tsebiso le neheletso ya ditokomane ditshebetsong mme o tla bolela letsatsi, le seng ka kwano ho matsatsi a mahlano ka mora neheletso eo ho moqosuwa, kapa pele moqosuwa eo a lebellwa ho tsebisa mokopi ka ho ngola hore o ikemiseditse ho phehisana le kopo e jwalo mme o tla tswela pele ho bolela hore ha ho se tsebiso e jwalo eo ho nehelanweng ka yona, Mongodisi o tla kotjwa ho beha taba ena pela Moahlodi e Moholo ho sebetsana le yona ho ya ka molawana o monyenyane wa 4.
Ha tesello e tsekwa kgahlanong le motho ofe kapa ofe, bolaodi, mmuso, lekala la puso kapa mokgatlo, kapa moo ho hlokehang kapa ho tshwanelehileng ho neha le efe ya ditsebiso tse seng di boletswe tsa kopo e bolelwang molawaneng o monyenyane wa 1, tshitshinyo ya tsebiso e tla lebisa ho Mongodisi le ya seng a boletswe, mme e tla bolela dintlha, tse kenyeletsang aterese ya bodulo, fekse, dinomoro tsa founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, ha di fumaneha, tsa mokga oo tesello e batlwang ho wona, jwalo ka tseo di tla etsa hore Mongodisi a kgone ho hokelana le mokga o jwalo, ho seng jwalo e tla lebiswa ho Mongodisi mme e tla ba haufi ho ya ka moo ho kgonehang ho ya ka Foromo ya 1 kapa 2, ho ya ka moo maemo a ka bang ka teng.
nakong ya matsatsi a 15 a ho tsebisa mokopi ka maikemisetso a hae a ho phehisa kopo a kenye afidavite e arabang, ha e le teng, mmoho le ditokomane dife kapa dife tsa nyalanang le taba, tse ka kenyeletsang diafidavite tse tshehetsang.
b Mokopi a ka kenya afidavite e arabang nakong ya matsatsi a 10 a ho nehelwa afivavite le ditokomane tse boletsweng temaneng ya aii.
c i Moo ho se nang tsebiso e nehilweng ya ho phehisa kapa moo ho se nang afidavite e arabang e kentsweng ho ya ka temana a ii nakong e boletsweng temaneng ya aii, nakong ya matsatsi a mahlano a ho fela ha nako, Mongodisi o tla beha kopo pela Moahlodi e Moholo.
Moo afidavite e arabang e kentsweng, Mongodisi o tla beha kopo pela Moahlodi e Moholo nakong ya matsatsi a mahlano a ho kenngwa ha afidavite e arabang kapa, ha ho se afidavite e arabang e kentsweng, nakong ya matsatsi a mahlano a ho fellwa ha nako e boletsweng temaneng ya b.
d Moahlodi e Moholo a ka dumella ho kenngwa ha tse ding diafidavite, ha a neha ditataiso tlasa molawana o monyenyane wa 4.
Ha kopo e behuwe pela Moahlodi e Moholo ho ya ka molawana o monyenyane wa 3c, o tla neha ditaelo tsa hore kopo e sebetswe jwang le hore, ka ho ikgethang, na e tla dulelwa ho ka mamelwa kapa e tla sebetswa ho itshetlehilwe ho phehisano e ngotsweng kapa ka kakaretso ho itshetlehilwe ho dintlha tse fuperweng ke diafidavite.
Dikopong tse potlakileng, Moahlodi e Moholo a ka ntsha diforomo le tshebetso e nehelwang ke melawana ena mme a ka neha ditaelo tsa hore taba e sebetswe ka nako le mokgwa ho ya ka mokgwatshebetso, o ka kgonehang ho ya ka melawana ena, ho ya ka moo ho ka tshwanelehang.
Kopo ho ya ka molawana 1 e tla felehetswa ke afidavite e tla hlahisa ka ho otloloha maemo a nehang toka ya ho fapoha ho mekgwatshebetso ya tlwaelo ha ho etsuwa tshitshinyo ya tsebiso.
Phehisano e ngotsweng e tla kenngwa faeleng ka nako. E tla fupara lenaneo la dikahare, le lenaneo la mehlodi le maqephe moo ho lebisitsweng ho wona tokomaneng eo ho qotsitsweng ho yona.
Phehisano ya molomo e ke ke ya dumellwa ha ditaelo tse jwalo di nehuwe ke Moahlodi e Moholo.
a Phehisano ya molomo e tla loka dintlheng tse pela Lekgotla mme bolelele ba yona bo tla laolwa ke meedi ya nako e tla behwa ke Moahlodi e Moholo.
b Mekga e tla nka hore baahlodi bohle ba di badile diphehisano tse ngotsweng le hore ha ho hlokahale hore ho phetwe tse fuperweng moo.
a Phehisano e ka hlahiswa Lekgotleng le ka efe puo e molaong mme mokga o amehang ha o na boikarabelo ba ho nehelana ka toloko.
b Ha motho a lakatsa ho bua le Lekgotla ka puo e nngwe e molaong ntle le eo motho ya jwalo a e sebedisitseng phehisanong e ngotsweng, motho ya jwalo o tla neha Mongodisi tsebiso e ngotsweng, bonyane matsatsi a supileng pele ho dulelwa taba e tla tshohlwa, maikemisetso a hae a ho sebedisa e nngwe puo e molaong mme o tla bolela hore puo eo ke efe.
Ka ho ya ka tshitshinyo ya Lekgotla, kapa ka ho ya ka kopo ya mokga o le mong kapa e sehlotshwana, Lekgotla le ka laela hore dinyewe tse pedi kapa tse fetang moo, tse akgang dintlha tse tshwanang kapa tse nyalanang, ho phehisanwe ka tsona jwalo ka nyewe e le nngwe kapa ho ya ka moo ho ka ballwang ka teng.
Kopo ya tekodisiso ya Bili ho ya ka karolo ya 794b kapa 1212b ya Molao wa Motheo ke Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa ke Tonakgolo ya provense, ho ya ka maemo, e tla ba ka ho ngolwa mme e romelwe ho Mongodisi le Modulasetulo wa Seboka sa Setjhaba le Modulasetulo wa Komiti ya Setjhaba ya Lekgotla la Diprovense, kapa Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo.
b pehelo kapa dipehelo tsa molao wa motheo tse amanang le kgwao e jwalo; mmoho c le metheo kapa mabaka a kgwao e jwalo.
Mekgatlo ya dipolotiki e nang le boemedi Palamenteng ya naha kapa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e tla ba le tokelo ya ho etsa ditshisinyo tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohlwa ha morero nakong e sehuweng ditaelong tse nehuweng tlasa molawana o monyenyane wa 4.
a tse kopang Modulasetulo wa Palamente kapa Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense ya amehang, ho ya ka maemo, ho nehelana ka tlhahisoleseding e tlatsetsang ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a ka bonang ho hlokeha kapa ho ka ba molemo ho tshohla morero; le b ho mema mekgatlo yohle ya dipolotiki e nang le thahasello Palamenteng ya setjhaba kapa ketsamolaong ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e ka lakatsang ho etsa ditlhahiso tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohla morero nakong e behuweng taelong e jwalo.
Kopo ya ditho tsa Lekgotla la Setjhaba kapa tsa ketsamolao ya provense ho ya ka dikarolo 801 le 1221 tsa Molao wa Motheo e tla tliswa ka tsebiso ya tshisinyo e tshehetswang ke afidavite ya ditletlebo tseo bakopi ba tshepang di tla lokiswa mme e tla kenngwa ho Mongodisi mme e nehelwe Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba le, moo ho tshwanelehileng, Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo.
Tsebiso e tla kopa Modulasetulo wa Palamente le, ha ho tshwanelehile, Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, ho hlokomedisa mekgatlo yohle ya dipolotiki e nang le boemedi tlung e tshwanelehileng kapa ketsamolao ka mongolo nakong ya matsatsi a mahlano a ho nehelwa kopo e jwalo.
Kopo eo ho lebiswang ho yona ho molawana o monyenyane wa 1 e tla felehetswa ke lengolo la tiiso la Modulasetulo wa ketsamolao e amehang hore ditlhoko tsa karolo ya 802a kapa karolo ya 1222a ya Molao wa Motheo, ho ya ka maemo, di kgotsofaditswe.
c metheo eo dipehelo tse amehang di nkuwang di phehisana; le d tokiso, ho kenyeletsa le tokiso ya nakwana, e hlokwang.
a Mokgatlo ofe kapa ofe wa dipolotiki ketsamolaong e amehang kapa le ofe mmuso o batlang ho phehisa nehelano ya taelo e batlwang kopong e jwalo o tla tsebisa Mongodisi ka mongolo nakong ya matsatsi a 15 a kopo e jwalo hore o ikemiseditse ho e phehisa mme, tsebisong e jwalo, o tla kgetha aterese moo mokgatlo o jwalo kapa mmuso o tla amohela tsebiso le neheletso ya ditokomane tsohle tsa tshebetso.
b Ha tsebiso e jwalo e nehuwe, kopo e tla sebetswa ho ya ka dipehelo tsa molao 11.
a e memang ho tliswa ha tlhahisoleseding e tlatsetsang ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a ka bonang ho hlokeha kapa ho tla thusa ho tshohlweng ha morero; le b hore mekgatlo yohle ya dipolotiki e Palamenteng ya naha kapa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e nang le thahasello mme e lakatsang e etse ditlhahiso tse jwalo tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohlwa ha morero nakong e behilweng taelong e jwalo.
Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo jwalo ka ha ho lohothwa karolong ya 172 ya Molao wa Motheo, o tla kenya ho Mongodisi wa Lekgotla khopi ya taelo e jwalo, nakong ya matsatsi a 15 a ho etsa taelo eo.
Motho kapa lekala la puso le nang le tokelo ya ho etsa jwalo mme ya lakatsang ho etsa boipiletso kgahlanong le taelo e jwalo ho ya ka karolo ya 1722d ya Molao wa Motheo, matsatsing a 15 a ho etsuwa ha taelo e jwalo, o tla kenya tsebiso ya boipiletso ho Mongodisi le khopi ya yona ho Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo eo, mme morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Moipiletsi tsebisong e jwalo ya boipiletso o tla nehelana ka metheo e hlakileng eo boipiletso bo thehilweng ho yona, a bontsha diphumano tsa dintlha le/kapa molao tseo ho ipiletswang kgahlanong wona le ntho e neng e tshwanetse e be e entswe ke taelo.
Motho kapa lekala la puso le nang le tokelo ya ho etsa jwalo mme ya lakatsang ho etsa kopo ya ho tiisa taelo ho ya ka karolo ya 1722d ya Molao wa Motheo, nakong ya matsatsi a 15 a ho etsa taelo e jwalo, o tla kenya kopo ya tiiso e jwalo ho Mongodisi le khopi ya yona ho Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo, mme morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Ha ho se tsebiso kapa kopo jwalo ka ho lohothwa ho melawana e menyenyane ya 2 le 4, ka ho hlahlamana, e kentsweng nakong e balletsweng, morero wa tiiso ya taelo ya ho se amohelehe o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e fetisitseng kapa ya lokisa molao wa motheo ho ya ka dikarolo tsa 142 le 1442 tsa Molao wa Motheo e lakatsang hore molao wa motheo o jwalo kapa tokiso ya molao wa motheo o amohelwe ke Lekgotla o tla tiisa ka mongolo dikahare tsa molao wa motheo kapa tokiso e fetisitsweng ke ketsamolao ya provense mme a nehelane ka molao wa motheo o jwalo kapa tokiso ya molao wa motheo ho Mongodisi ka kopo e molaong ho Lekgotla ho phetha mesebetsi ya lona ho ya ka karolo ya 144 ya Molao wa Motheo.
Tiiso e lohothwang ke molawana o monyenyane wa 1 e tla kenyeletsa tlaleho e kgethollang hore molao wa motheo kapa tokiso ya molao wa motheo e fetisitswe ka bongata bo hlokwang.
Mokgatlo ofe kapa ofe wa dipolotiki o nang le boemedi ketsamolaong ya provense o tla ba le tokelo ya ho hlahisa phehiso ya molomo ho Lekgotla, ho itshetlehile ntlheng ya hore mokgatlo o jwalo wa dipolotiki o ka kotjwa ho nehelana ka tshisinyo e ngotsweng ho Lekgotla pele ho phehiso ya molomo.
c taelo ya hore le dife ditlhahiso tse ngotsweng di etsuwe ho ya ka temana b e lokela hore e hlokomediswe mekgatlo e meng ya dipolotiki ketsamolaong ya provense ka mekgwa eo Moahlodi e Moholo a tla bona e tshwanelehile.
Taelo ya Lekgotla ho latela karolo ya 144 ya Molao wa Motheo e ka qolla dipehelo tsa molao wa motheo wa provense kapa wa tokiso ya molao wa motheo, ha e le teng, e tsamaelanang le e sa tsamaelaneng le Molao wa Motheo.
Kopo ya phihlello e tobileng jwalo ka ha e lohothwa ke karolo ya 1676a ya Molao wa Motheo e tla tliswa ka tsebiso ya tshisinyo, e tla tshehetswa ka afidavite, e tla bolela dintlha tseo mokopi a tshepetseng ho tsona ho fumana thuso.
c le hore na morero o ka tshohlwa ke Lekgotla ntle le ho utlwa bopaki ba molomo le hore, ha e ke ke ya kgona, d bopaki bo jwalo bo ka bokellwa jwang le hore ho rarollwe dintlha tsa kgohlano.
Motho ofe kapa ofe kapa mokga ya lakatsang ho phehisa kopo, nakong ya matsatsi a 10 ka mora ho kenngwa ha kopo, o tla tsebisa mokopi le Mongodisi ka ho ngola ka boikemisetso ba hae ba ho phehisa.
a taelo e memang baqosuwa ho romela ditlhahiso tse ngotsweng ho Lekgotla nakong e balletsweng hore na phihlello e tobileng ho nehelanwe ka yona kapa tjhe; kapa b taelo e supang hore ha ho ditlhahiso tse ngotsweng kapa diafidavite tse hlokang ho kenngwa difaeleng.
Dikopo tsa phihlello e tobileng di ka tshohlwa ka potlako, ntle ho diphehisano tsa molomo kapa tse ngotsweng ho ena le dikahare tsa kopo ka boyona: Ho itshetlehile ntlheng ya hore moo moqosuwa a bontshitseng boikemisetso ba hae ba ho phehisa ho ya ka molawana 3, kopo ya phihlello e tobileng e tla ananelwa feela ka mora hore dipehelo tsa molawana o monyenyane wa 4a di ananelwe.
Tshebetso e hlahiswang ke molao ona e tla latelwa kopong ya ho dumellwa ho ipiletsa ho Lekgotla moo qeto ya morero wa molao wa motheo, ntle le taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo tlasa karolo ya 1722a ya Molao wa Motheo, e nehuweng ke lekgotla lefe kapa lefe ho kenyeletswa le Lekgotla le Phahameng le Boipiletso, mme ho sa tsotellwe hore Mopresidente o hanne ka tumello kapa tumello e ikgethang ya boipiletso.
Moqosi ya kgathatsehileng ke qeto ya lekgotla mme ya lakatsang ho ipiletsa kgahlanong le yona ka ho otloloha ho Lekgotla ka morero wa molao wa motheo, nakong ya matsatsi a 15 ka mora taelo eo ho batlwang boipiletso ka yona mme ka mora ho neha tsebiso ho mokga kapa mekga e amehang, o tla kenya kopo ya ho etsa boipiletso ho Mongodisi: Ho itshetlehile tabeng ya hore moo Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng le Boipiletso a hanneng ho nehelana ka tumello ya boipiletso nako e balletsweng molaong ona e tla balwa ho tloha letsatsing la taelo e hanang tumello.
le hore na kopo e jwalo e itshetlehile ho se amohelweng ha kopo ke Lekgotla; le iii sephetho sa kopo e jwalo, ha se tsejwa ka nako eo ho etsuwang kopo ho Lekgotla.
a Nakong ya matsatsi a 10 ho tloha nakong eo kopo e bolelwang ho molawana o monyenyane wa 2 e entswe, moqosuwa kapa baqosuwa ba ka araba ka ho ngola, ho bontsha hore na ba a phehisa kapa ha ba e phehise kopo ya tumello ya ho etsa boipiletso, mme ha ho le jwalo ba hlahise mabaka a phehiso e jwalo.
b Karabo e tla saenwa ke moqosuwa kapa baqosuwa kapa moemedi wa hae wa molao.
a Moqosuwa kapa baqosuwa ba lakatsang ho kenya boipiletso bo tshekaletseng ho Lekgotla tlasa morero wa molao wa motheo, nakong ya matsatsi a 10 ho tloha letsatsing leo kopo ho ya ka molawana o monyenyane wa 2 e kentswe, ba tla kenya kopo ya tumello ya boipiletso bo tshekaletseng ho Mongodisi.
b Dipehelo tsa melawana ena mabapi le boipiletso di tla sebetsa, ka diphetoho tse hlokahalang, mabapi le boipiletso bo tshekaletseng.
a Lekgotla le tla fihlella qeto ya ho neha kapa ho se nehe moipiletsi tumello ya boipiletso.
b Dikopo tsa tumello ya boipiletso di ka phethiswa ka potlako, ntle le ho fumana phehisano ya molomo kapa e ngotsweng ho ena le dikahare tse fuperweng ke kopo ka boyona.
c Lekgotla le ka laela hore kopo ya tumello ya boipiletso e dulelwe ho etswe phehisano mme le laele hore ditseko tse ngotsweng tsa mekga di se ke tsa shebana feela le hore kopo ya tumello ya boipiletso e dumelwe, empa le dintle tsa kgohlano. Dipehelo tsa molao 20 di tla sebetsa tshebetsong e tla latelwa ho mekgwatshebetso e jwalo, ka ditokiso tse hlokehang.
a Moipiletsi o tla hlopha mme a kenye rekoto ya boipiletso ho Mongodisi nakong e tla ballwa ka ditaelo tsa Moahlodi e Moholo.
b Ka ho laolwa ke dipehelo tsa molawana o monyenyane wa c o ka tlase, rekoto ya boipiletso e tla fupara kahlolo ya lekgotla moo boipiletso bo hlokometsweng teng, mmoho le ditokomane tsohle tse kentsweng ke mekga lekgotleng leo le bopaki bohle bo ileng ba bokellwa ditshebetsong mme bo ka tsamaelanang le dintlha tse lokelang ho tshohlwa.
c i Mekga e tla leka ho fihlella tumellano ya dintho tse lokelang ho fuparwa ke rekoto, mme ha ho sa fihlellwe tumellano, moipiletsi o tla etsa kopo ho Moahlodi e Moholo hore a nehe ditaelo mabapi le ho bokellwa ha rekoto.
Kopo e jwalo e tla ngolwa mme e tla bontsha boleng ba kgohlano pakeng tsa mekga mabapi le ho bokella rekoto le mabaka a moipiletsi a dingongoreho.
Moqosuwa a ka araba mabapi le kopo nakong ya matsatsi a 10 kopo e entswe mme a behe mabaka a ngongoreho ya moqosuwa.
Moahlodi e Moholo a ka nehela kopo ho moahlodi a le mong kapa ba bangata, ba ka sebetsang taba ena dipampiring kapa ba batla mekga hore e hlahe pela bona ka letsatsi le itseng ka nako e kgethehileng hore ho phehisanwe ka pokello ya rekoto.
v Moahlodi kapa baahlodi ba amehang ba tla neha ditaelo mabapi le ho bokellwa ha rekoto, nako eo rekoto e lokelang ho kenngwa ho Mongodisi le tse ding dintlha tseo a ka nahanang hore di a hlokeha bakeng sa hore Lekgotla le kgone ho sebetsana le boipiletso, le hore ke ditaelo dife tse ka kgutlisetswang lekgotleng la pele bakeng sa ho mamela bopaki bo ikgethang ba tlatsetso, kapa bopaki ba tlatsetso bo behwe pela Lekgotla ka mokgwa wa afidavite kapa ka mokgwa o mong bakeng sa boipiletso.
a E nngwe ya dikhopi tsa rekoto tse nehilweng Mongodisi e tla nnetefatswa e le e nepahetseng ke Mongodisi wa lekgotla leo boipiletso bo tswang ho lona.
b Dikhopi tsa rekoto di tla thaetjwa dipampiring tse tenya tsa boholo ba A4, ka ho siyana ka mela e mmedi ka enke e ntsho ya ho rekota, di ngotswe lehlakoreng le le leng la pampiri.
c Ditokomane tse hlakileng tse neng di thaepilwe kapa di hatisitswe sethathong sa tsona tse kang ditjheke le tse ding tse jwalo di ke ke tsa thaetjwa hape mme difotokhopi tse hlakileng tsa tsona di tla etsuwa pampiring ya boholo ba A4.
d Maqephe a tla nomorwa ka ho hlakileng mme ka tatelano mme mola o mong le o mong wa leshome leqepheng le leng le le leng o tla nomorwa mme mokgwa wa ho ngolwa ha maqephe lekgotleng la pele o tla bolokwa moo ho kgonehang.
e Direkoto tse tenya di tla arolwa ho ba dipatanta tsa boholo bo tshwarehang ba maqephe a ka bang 100 patanta ka nngwe. Rekoto e tla tlanngwa ka mokgwa o bolokehileng ka mokgwa wa buka hore e kgone ho emelana le tshebediso ya kgafetsa mme e tla tlangwa ka mokgwa o tla etsa hore ha e sebediswa e dule e bulehile ntle le tshebetso kapa e nngwe tshitiso.
f Direkoto tsohle di tla tlangwa ka polokeho ka diphuthelo tse tshwanelehileng tse bontshang nomoro ya nyewe, mabitso a mekga, nomoro ya patanta le nomoro ya maqephe a fuperweng ke patanta eo, paloyohle ya dipatanta, lekgotla la pele le mabitso a baemedi ba molao ba mekga.
g Tlamo e hlokwang ke molao ona e tla ba e bolokehileng ka ho kgotsofatsang ho etsa bonnete ba botsitso ba dipampiri tse phuthetsweng ke patanta; mme moo rekoto e fuperweng ke patanta e fetang bonngwe, nomoro ya patanta ka nngwe le nomoro ya maqephe a fuperweng ke patanta ka nngwe e tla hlaha karolong ya boraro e hodimo ya mokokotlo wa patanta.
h Moo ditokomane di kentsweng ho Mongodisi, mme ditokomane tse jwalo di kentswe rekotong ka diski ya khompyutha, mokga o kenyang tokomane moo ho kgonehang o tla etsa hore Mongodisi a fumane diski e nang le difaele tse fupereng tokomane, kapa a fetisetse khopi ya tokomane e amehang ka khompyutha e leng ka e-mail ka mokgwa o boletsweng ke Mongodisi hore o tsamaelana le dikhompyutha tsa Lekgotla ka nako ya neheletso, ho Mongodisi atereseng [e reng: registrar@concourt.org.za]: Ho itshetlehile tabeng ya hore neheletso eo e ke ke ya tlosa boikarabelo ba mokga o amehang ditlamong tlasa molawana wa 13 ho kenya lenane le balletsweng la ditokomane tse tshwarehang.
i Ha Mongodisi a nehelwa diski, faele e tla kopitswa mme diski e kgutlisetswe ho mokga o amehang. Moo diski kapa khopi ya khompyutha ya tokomane ntle le rekoto ho nehelanwang ka yona, mokga o tlameha ho nehelana ka dikhopi tse 13 tsa tokomane e amehang ho Mongodisi.
a hore moipiletsi a kenye ho Mongodisi taba e ngotsweng ho tshehetsa boipiletso nakong e tla behwa ke Moahlodi e Moholo mme e boletsweng tsebisong e jwalo; le b moqosuwa a kenye taba e ngotsweng ho Mongodisi e arabang taba ya moipiletsi letsatsing le kgethehileng le tla behwa ke Moahlodi e Moholo, le tla ba ka mora letsatsi leo taba ya moipiletsi e nehetsweng ho moqosuwa.
Moipiletsi a ka kenya ho Mongodisi taba e ngotsweng e arabang taba ya moqosuwa nakong ya matsatsi a 10 ho tloha ha moipiletsi a nehelwa taba ya moqosuwa.
Moahlodi e Moholo a ka etsa qeto ya hore na boipiletso bo tla sebetswa hodima ditaba tse ngotsweng feela kapa jwang.
Ka ho laolwa ke dipehelo tsa molawana o monyenyane wa 5, Moahlodi e Moholo o tla etsa qeto ka letsatsi leo diphehisano tsa molomo di tla mamelwa ka lona, mme Mongodisi nakong ya matsatsi a mahlano a qeto eo o tla tsebisa ka poso e nnetefatswang kapa ka fekse mekga yohle ya boipiletso ka letsatsi la ho mamela.
Ha kopo ya tiiso ya taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo kapa tsebiso ya boipiletso kgahlanong le taelo e jwalo e kenngwa ho Mongodisi ho ya ka molawana wa 16, kapa kopo ya tumello ya boipiletso e kenngwa ho ya ka molawana wa 19, mokopi kapa moipiletsi ka yona nako eo o tla nehela Mongodisi ntlha?
b ya hore na ho na le maemo a ikgethang a ka hlokang hore mamelo e nke letsatsi le ka nqane ho le le leng kapa maemo a ka tsamaelanang le ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Melawana ya 17 le 18 ya Melawana ya Lekgotla le Phahameng la Boipiletso mabapi le lekgetho le ditefiso tsa babuelli e tla sebetsa, ka diphetoho tse ka hlokahalang.
Mabapi le phehisano ya molomo le e ngotsweng, tefiso ya phehisano e ngotsweng e ka amohelwa maemong a tshwanelehileng ho ba ntlha e ikemetseng e le inotshi.
Ho tlatsetsa ho ditefiso tsa Lekgotla tse seng di balletswe melawanang ena ditefiso tse Shejuleng ya 2 e tla ba ditefiso tsa lekgotla tse lefshwang ka ditempe tsa tjhelete e kenang ho mmuso.
Phokotso ho molawana wa 44 le dipehelo tsa molawana wa 45 di tla sebetsa, ka diphetolo tse ka hlokahalang.
Laeborari ya Lekgotla e tla fumaneha ho ka sebediswa ke baahlodi, diofisiri tsa Lekgotla le batho ba bang ba nang le tumello ya molaeborari bakeng sa diphuputso tsa molao wa motheo.
Laeborari e tla bulwa ka dinako tseo ditlhoko tse amohelehileng tsa Lekgotla di ka e hlokang mme tshebetso ya yona e tla laolwa ke melawana e entsweng ke Komiti ya Laeborari ya Lekgotla ka ho eletsana le Moahlodi e Moholo.
Ha rekoto kapa tokomane efe kapa efe e kenngwang ho Mongodisi e fupere ditaba tse ngotsweng ka puo e molaong e sa utlwisisweng ke baahlodi bohle, Mongodisi o tla etsa hore dikarolo tsa rekoto kapa tokomane e amehang di fetolelwe ke mofetoledi ya nkileng dikano tsa Lekgotla le Phahameng ho ya puong kapa dipuong tse tla utlwisiswa ke baahlodi ba jwalo, mme o tla nehela mekga eo dikhopi tsa diphetolelo tse jwalo.
Mehlala, meralo le dipontsho tsa dintho tse bopang karolo ya bopaki tse nkuweng nyeweng mme tsa tliswa Lekgotleng hore di tlo hlahlojwa di behwa polokelong ya Mongodisi bonyane matsatsi a 10 pele nyewe e mamelwa kapa e hlahiswa.
Mehlala yohle, meralo le dipontsho tsa dintho tse behilweng kalosong ya Mongodisi di tla tloswa ke mekga nakong ya matsatsi a 40 ka mora hoba nyewe e phethilwe.
Ha ntho ena e sa etsuwa, Mongodisi o tla tsebisa mokga o amehang ho tlosa dintho tseo hang hang mme ha di sa tloswa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora moo, Mongodisi o tla di fedisa kapa a di tlose ka mokgwa o tshwanelehileng.
Ha mekga yohle, kgatong efe kapa efe ya ditshebetso, e kenya tumellano e ngotsweng ho Mongodisi ya ho hula nyewe, e hlalosa dintlha tse amanang le tefo ya ditshenyehelo le tefo ho Mongodisi ya ditefiso tse lokelang ho lefshwa, Mongodisi, ha a laelwa jwalo ke Moahlodi e Moholo, o tla kenya kgulo e jwalo, mme Lekgotla ha le sa tla ba le boikarabelo ka taba eo.
Tokomane e nngwe le e nngwe e nang le maqephe a fetang 15 le ha e le hore e atisitswe ka mokgwa ofe kapa ofe, e tla ba le lenaneo la dikahare le mehlodi e nepahetseng.
Tokomane e nngwe le e nngwe ha e kwalwa e tla ba le lebitso la mokga kapa la mmuelli wa hae wa molao, aterese ya poso le ya bodulo, fekse, nomoro ya founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, moo e fumanehang, mme tokomane ya sethatho e tla saenwa ke mokga kapa mmuelli wa hae wa molao.
a Mongodisi a ke ke a amohela tokomane efe kapa efe e ngodiswang e tliswa e sa tsamaelane le melawana ena, empa o tla e kgutlisetsa ho mokga o phoso a bontsha dintlha tseo e haellwang ho kgotsofatsa ka tsona: Ho itshetlehile tabeng ya hore ha dikhopi tse ntjha tse tshwanelehileng tsa tokomane e jwalo di tliswa nakong ya matsatsi a mahlano a ho fumana tsebiso e ngotsweng, ngodiso e jwalo e tla nkuwa e sa siuuwa ke nako.
b Ha Lekgotla le hlokomela hore dipehelo tsa melawana ena ha di a ananelwa, boikgethelong ba lona, le ka diha dikotlo tse tshwanelehileng.
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 Molao No.
Dikarolo tse latelang tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 (Molao No. 59 wa 1959), di tla sebetsa, ka diphetoho tse ka hlokahalang, ditshebetsong tsa le pela Lekgotla jwalo ka ha eka ke melawana ya lekgotla leo.
Mokgwa wa ho sebetsana le dikhomishene tsa thapedi, mangolo a kopo le ditokomane tsa tshebeletso tse tswang dinaheng tsa baditjhaba. Pehelo ena e tla sebetsa ka ho laolwa ke ho nkelwa sebaka ha Senyesemane kapa Afrikanse ke polelwana e reng puo efe kapa efe ya molao?
a ke mabaka a tlwaelehileng kapa ho seng jwalo ha di na kgwao; kapa b ke tsa semmuso, tsa saense, tsa botekgeniki kapa tsa dipalopalo ka boleng bo ka nnetefatswang ha bobebe.
Mekga yohle e meng e tla ba le tokelo, nakong e dumelletsweng ke melawana ena ho ka araba ditokomaneng tse jwalo, ho dumela, ho latola, ho phehisa kapa ho thatoloha ka dintlha tsena ho fihlela moo ho hlokahalang mme ho tshwanelehileng bakeng sa qeto e nepahetseng ya Lekgotla.
atisa kapa a fokotsa nako efe kapa efe e balletsweng melawanang ena, ka boikgethelo ba hae kapa ka kopo le ka mabaka a kgotsofatsang a bontshang sesosa ebile a ka tshwanela ho se tsamaelane le melawana ena; le ho neha ditaelo mererong ya tshebetso, mokgwatshebetso le ho phethisa boipiletso bofe kapa bofe, kopo kapa o mong morero jwalo ka Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo a ka bona e le toka le thuso.
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 Molao No.
Ditaelo tsa ditshenyehelo di tla ba le sephetho sa kahlolo ya bodulo ya lekgotla la mmaseterata mme mokga oo taelo ya ditshenyehelo e tla ba molemong wa wona o tla nkuwa e le o unneng ka kahlolo mme mokga oo taelo e jwalo e tla ba kgahlanong le wona o tla nkuwa e le o kolotang ka kahlolo.
Mokga oo taelo ya ditshenyehelo e entsweng molemong wa wona, moo ditaelo tsa ditshenyehelo di sa kang tsa ananelwa, ngola faele ho Mongodisi ka afidavite o hlalosa dintlha tsa ditaelo tsa ditshenyehelo o hlalosa le hore ditaelo tsa ditshenyehelo ha di a ananelwa kapa ha di a phethahatswa ka botlalo, ho ya ka moo maemo a leng ka teng, le bokaalo ba tjhelete e haellang, mme o tla kopa Mongodisi ho mo neha khopi e nnetefaditsweng ya ditshenyehelo tse jwalo.
Mongodisi, ka mora ho hlahloba faele ya lekgotla e amehang o tla nnetefatsa dikahare tsa afidavite, a nehele mokga o bolelwang molawaneng o monyenyane wa 2 khopi e nnetefaditsweng ya taelo ya ditshenyehelo tse amehang mme o tla rekota nehelano e jwalo faeleng ya Lekgotla.
Mokga o bolelwang ho molawana o monyenyane wa 2 o tla kenya faeleng khopi e boletsweng ho mongodi wa lekgotla la botho wa setereke moo a dulang, a ntshetsang pele kgwebo kapa a hirilweng teng.
Taelo e jwalo e tla phethahatswa ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Makgotla a Bommaseterata, 1944 Molao wa No. 32 wa 1944, le Melawana ya Makgotla a Bommaseterata e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso R. 1108 ya 21 Phupjane 1968, jwalo ka ha e lokisitswe, mabapi le ditaelo tsa phethahatso malebana le thepa e suthisehang le e sa sutheseheng le ho ntsha taelo ya kamoho ya moputso le ditaelo tsa ho hulwa ha tjhelete moputsong feela.
Ha nako e balletswe bakeng sa morero ofe kapa ofe ho ya ka melawana ena, nako e jwalo e ka ba e qadile ho tsamaya pele ho qadiso ya melawana ena, nako e jwalo e tla qala ho tsamaya feela ka letsatsi leo melawana ena e kenang tshebetsong.
Melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo e phatlaladitsweng nakong ya pele e tla fediswa/phumulwa letsatsing leo melawana ena e kenang tshebetsong: Ho itshetlehile tabeng ya hore ditaelo dife kapa dife tse ngotsweng malebana le mekgwatshebetso e tla latelwa tharollong ya kgohlano kapa morero dinyeweng tse seng di hlahletswe e tla tswela pele ho sebetsa, ntle le ha e fedisitswe ka ho ngolwa ke Moahlodi e Moholo.
Sethathong melawana ena e radilwe ka Senyesemane mme ya fetolelwa dipuong tsohle tsa semmuso. Ka lebaka leo, ha ho le teng ho thulana hofe kapa hofe, kgatiso ya Senyesemane e tla ba yona e sebetsang.
Melawana ena e tla bitswa Melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo, 2003.
No. ya Nyewe...
le hore afidavite ya , e hoketsweng mona, e tla sebediswa ho tshehetsa hoo.
Thusa o behe morero ona pela Moahlodi e Moholo hore o tshohlwe ho ya ka molawana wa 11.
Mohla la, letsatsing la ... kgweding ya ... 20...
Ho Mongodisi wa Lekgotla le boletsweng ka hodimo.
No. ya Nyewe...
Hlokomela hore (ya tla bitswa mokopi ka mora mona) o ikemiseditse ho etsa kopo Lekgotleng lena ya taelo (a) ... (b) ... (c) ... (mona hlalosa mokgwa wa thapedi) le hore afidavite e felehetsang ya ... e tla sebediswa ho tshehetsa hoo.
Hlokomela le hore mokopi o thontse (mona bolela aterese) jwalo ka aterese moo a tlang ho amohela tsebiso le ho phetha ditshebeletso tsohle tsa ditshebetso.
Hlokomela le hore ha o ikemiseditse ho phehisa kopo ena ho hlokahala hore o (a) tsebiso mmuelli wa mokopi ka ho ngola ka kapa pele ho (letsatsi) le (b) nakong ya matsatsi a 15 ka mora ho neha tsebiso ya ho ikemisetsa ho phehisana le kopo ho kenya faeleng afidavite ya hao e arabang, ha e le teng; le hore o lebelletswe ho thonya tsebisong e jwalo aterese moo o tlang ho amohela tsebiso le ho phethahatsa ditshebeletso tsa ditokomane tsohle ditshebetsong tsena.
Ha ho se tsebiso e jwalo e nehuweng ya ho ikemisetsa ho phehisa, mokopi o tla kopa Mongodisi ho beha morero ona pela Moahlodi e Moholo hore o tshohlwe ho ya ka molawana wa 11.
Mohla la, letsatsing la ... kgweding ya ... 20...
<fn>sot_Article_National Language Services_MELAWANA YA TSHEBELET.txt</fn>
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Dilemo tsa ho beha meja fatshe
A.1 Melawana ena e tla bitswa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001, mme e tla kena tshebetsong ho tloha ka la 1 Pherekgong, ntle le melawana ya III B.2 (b) le III F. (b) ya Kgaolo ya 1, eo yona e tla kena tshebetsong letsatsing le tla behwa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Molawana wa A.1 jwalo ka ha o ile wa fetolwa ho latela Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
B.1 Melawana ena e tla balwa ka tlatsetsano le Molao.
a motheo o ananetsweng?
c MOOKO o bolela Khoutu ya Tefo, ho latela ka moo e hlalositsweng ka teng molawaneng wa III I.3 ho isa ho wa I?
d lekgotla la ditumellano tsa meputso la lefapha?
e bolaodi bo phethahatsang?
g ditlhoko tseo eleng karolo ya mosebetsi?
i boima ba mosebetsi?
k moralo wa ditshenyehelo tsa nako e bohareng ya mosebetsi?
l batho bao esale ba le ka mosing ho latela histori?
m lekgotla la provense la ditumellano tsa meputso?
o bonamo ba moputso?
p sekepele sa moputso?
q lekgotla la karolo la ditumellano tsa meputso?
r SMS e bolela basebetsi bao ho buuwang ka bona molawaneng wa I B?
t Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi?
v "Melawana ya Matlotlo" mona ho bolelwa Melawana ya Matlotlo e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso ya Nomoro ya R. 556 wa mohla la 31 Motsheanong wa 2000, jwalo ka ha o dula o fetolwa kgafetsa, le ho etswa tlasa karolo ya 76 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba; mme lentswe le leng le le leng le tla ba le moelelo oo le o fuwang ho latela Molao.
Karolo ya 41 ya Molao wa e fana ka tumello ya matla a Melawana ena.
a bathong bohle ba sebetsang, le diinstitjusheneng tse laolwang ho latela Molao ona; le b ho latela dipallo tsa Molao ona, bathong ba sebetsang Ditshebeletsong, Mekgatlong ya boemedi kapa diinstitjusheneng tsa mmuso tsa thuto, ha feela e sa hohlane le melao e laolang mosebetsi wa bona.
E.1 Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999 (e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso wa Nomoro ya R. 679 ya mohlala la 1 Phupjane 1999), ho kenyeleditswe ditokiso tsohle tsa teng, le melawana yohle e meng e entsweng le e kentsweng tshebetsong tlasa Molao ona, mona e a fediswa.
E.2 Ntho efe kapa efe e entsweng tlasa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999, e ka etswang ho latela pallo ya Melawana ena, e tla nkwa e entswe tlasa pallo eo.
E.3 Ntle le ho fediswa ha Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999, ho latela molawana wa I E.1, ditlhophiso tsa nakwana di tla lokodiswa Sehlomathisong sa 1.
Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le ditumellano tse fihlellwang ha mmoho e tla laola dintlha tse molemong wa mahlakore kaofela dipakeng tsa basebetsi le Mmuso jwalo ka ramosebetsi.
Haeba ho hlaha maemo a ditaba a etsang hore ho be le ho fapoha dipallong le mehatong ka tsela e ikgethang ya Melawana ena mabapi le diketsahalo tsa tshebetso ya basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba, Letona tlasa maemo a boletsweng le ka etsa ditsepamiso, ditaelo tsa ntlha kapa la amohela hore ho sebediswe dipallo tse ding ha mmoho le mehato e meng.
a tlisa kgokahano ka ho sebedisa Molaodi Kakaretso: Tshebeletsong ya Setjhaba le Tsamaisong; mme a b ngola ka puo efe kapa efe ya mmuso eo Melawana ena e neng e phatlaladitswe ka yona.
H.2 Mosebetsi o tla lebisa potsisiso efe kapa efe tabeng e welang matlenga taolo le tshebetsong ya Letona ho hlooho ya hae ya lefapha.
H.3 Hlooho ya lefapha molemong wa ditherisano tse tlang pele e tla nehelana ka moralo wa molao ofe kapa ofe kapa wa molao o monyenyane kapa tokomane ya leano e amanang le matla le mesebetsi ya Letona ho ya ka Molaodi-Kakaretso wa Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
H.4 Hlooho ya lefapha e tla theha leano la ka moo basebetsi lefapheng la hae ba ka hokahanang ka teng le boraditaba ba dikoranta kapa ba mekgwa e meng ya ditaba.
H.5 Mosebetsi, mosebetsing wa hae wa mmuso, a keke a tshwaya phoso leanong la Mmuso ka mokgwa o hlokang boikarabelo kopanong ya setjhaba kapa kgatisong kapa ditabeng tsa dikoranta kapa ditabeng tsa mekgwa e meng e tsamaisang ditaba.
Ho etsa hore hlooho ya lefapha e kgone ho laola lefapha la hae ka tsela e sebetsang hantle le e nepahetseng, bolaodi ba phethahatso bo tla nehela hlooho ya lefapha matla a tshwanelehileng le matla a taolo. Ka sepheo sona seo, hlooho ya lefapha e tla fana ka matla ho basebetsi ba lefapheng ka ho ba roma hore ba etse metsebetsi le ka ditumello tse tshwanetseng, moo ho hlokehang.
a roma kapa a nehelana ka matla ho mosebetsi hore a etse mosebetsi; le b ho tsepamisa dipehelano tsa tshebediso ya matla a taolo kapa phethahatso ya mosebetsi.
B.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla ngola fatshe thomo kapa nehelano ya matla a taolo mme bo ka e kenyeletsa tumellanong ya mosebetsi ya hlooho ya lefapha, ho latela ka moo ho entswe monyetla ka teng molawaneng wa VII B.2.1.
B.3 Boromuwa bo nehetsweng ya matla a taolo ke bolaodi ba phethahatso kapa hlooho ya lefapha bo keke ba thibela monga mosebetsi ho phethahatsa matla ao ka sebele sa hae.
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla boloka metheo le mehato e tsepamisitsweng Melawaneng ena.
C.2 Bolaodi ba phethahatso bo na le monyetla wa hore bo seke ba hloka kapa ba dumella hlooho ya lefapha kapa mosebetsi ofe kapa ofe e mong ho ba boemong boo ho bona a etsang kapa a nkang qeto tlolong ya Melawana ena.
a netefatsa hore basebetsi lefapheng la hae ba inyalanya le Melawana, ditumellano tse fihletsweng ha mmoho le boitlamo bofe kapa bofe bo bong; mme b e sebetsana ka potlako le ka mokgwa o sebetsang hantle le tlolo efe kapa efe ya molao.
C.4 Bolaodi ba phethahatso kapa hlooho ya lefapha bo tla sebedisa matla a bona, ho etsa mosebetsi wa bona le ho phethisa boitlamo ba bona tlasa Melawana ena ho latela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le ditumellano tse loketseng tse fihletsweng ha mmoho.
C.5 Bolaodi ba phethahatso le hlooho ya lefapha bo tla netefatsa hore ho na le kananelo e teng pele e tswang ho Ramatlotlo bakeng sa qeto efe kapa efe e amanang le ditshenyehelo tsa ditjhelete.
D.1 Moo ho nang le monyetla wa maemo a kgohlano ya ditabatabaelo ha ho etswa qeto efe kapa efe e amanang le mosebetsi, bolaodi ba phethahatso kapa mosebetsi ya nehetsweng kapa ya abatsweng hore a etse mosebetsi ofe kapa ofe, o tla etsa kapa a nke qeto hang feela ka morao hoba a tebise maikutlo kgothaletsong ya moifo o ikemetseng o bopilweng ka batho ba babedi bonyane.
D.2 Moo bolaodi ba phethahatso kapa mosebetsi ya tshepetsweng matla a itseng kapa hore a etse mosebetsi o itseng oo a o tshepetsweng kapa a o abetsweng, a kgelohang dikgothaletsong tsa moifo, mosebetsi ya jwalo o tla ngola mabaka a ho fapoha hoo ho etsahetseng.
D.3 Bolaodi ba phethahatso bo keke ba amohela kapa ba batla tefo ya mofuta ofe kapa ofe ho mosebetsi kapa motho ya tla fuwa mosebetsi bakeng sa ho etsa kapa ho nka qeto e mabapi le mosebetsi.
Mosebetsi a keke a lokollela setjhaba lesedi la molao ntle le moo a nang le matla jwalo.
Bolaodi ba phethahatso, molemong wa ho nehelana ka ditshebeletso tsa boleng bo hlwahlwa ba tjhelete, bo lokela ho ipehela maikemisetso a kgonang ho lekanngwa a lefapha, bo sebedise ka bokgabane bo boholo mehlodi ya basebetsi ba lefapha le mehlodi e meng le ho sebedisa ditlwaelo tse hlokang leeme tsa mosebetsi. Bolaodi ho latela ditjhelete tse teng lefapheng le ho latela maikemisetso le taelo ya Mmuso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong, bo tla rala hore bo phethahatse mesebetsi ka tlhophiso e sebetsang hantle le e hlwahlwa ya ka hare ha mmoho le mehlodi e ntshetsidItsweng pele hantle ya basebetsi. Bolaodi ba phethahatso bo tla phatlalatsa pehelo ya selemo moo bo fanang ka lesedi la bohlokwa la lefapha la bona e le ho dumella setjhaba le makgotla a melao ho fumana tsebo e akaretsang.
tla tshehetsa boinyalanyo le ditlhoko sa ho fana ka pehelo malawaneng wa III J le Bonyane ba Ditlhoko tsa Naha tsa Lesedi, tseo ho buuwang ka tsona ho VII H; le g ho inyalanya le ditlhoko diratswaneng tsa 5.1 le 5.2 tsa Melawana ya Matlotlo.
c bo tla hlalosa dikgeo tsa mesebetsi tse hlokehang bakeng sa tshebetso mesebetsing e loketseng leha tlhaloso eo e tla etswa ka hare ho meedi ya ditekanyetso tsa hona jwale le ya moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tsa lefapha tsa nako e mahareng, mme dikgeo tseo tse hlalositsweng di tla bopa motheo wa lefapha o ananetsweng; le d ho ikamanya le moralo wa mehlodi ya basebetsi ho latela molawana wa III D ka morero wa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa mehlodi ya basebetsi.
a kgothaletsa tshebediso e phethahetseng, e kolopetsang le e sebetsang hantle ya mehlodi ka sepheo sa ho ntlafatsa mosebetsi wa lefapha; mme b ho finyella seo, e tla sebedisa mekgwa ya tshebetso e tshwanang le kabo e nngwe hape, pebofatso le kgokahanyo ya mosebetsi, le ho fedisa mesebetsi e sa hlokahaleng.
e ka ho boloka ditlhophiso tsa ka moo ho tla nehelanwa ka lesedi ka teng le mabapi le ditshebeletso tsa lefapha; le f ka ho hlohlomisa mokgwa kapa metjha ya ho sebetsana le ditletlebo.
C.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla phatlalatsa steitmente sa selemo sa boitelo ba tshebeletso ya setjhaba se tla tsepamisa maemo a tshebeletso ya lefapha ao baahi ha mmoho le basebedisi ba ka lebellang ho a fumana le a tla sebetsa ho hlalosa ka moo lefapa le tla kgotsofatsa boemo bo bong le bo bong ka teng.
c bo tla rala tsohle ho latela ditekanyetso tse teng tsa ditekanyetso tsa ditjhelete, ho kenyeleditswe ditjhelete tsa nako e setseng ya moralo wa tshebetso o loketseng wa ditshenyehelo tsa nako e mahareng, bakeng sa ho thaotha, ho boloka, ho isa basebetsi moo bokgoni ba bona bo hlokehang teng ho feta le ntshetsopele ya mehlodi ya basebetsi ho ya ka ditlhoko tsa lefapha tse tsepamisitsweng ho latela molawana wa III D.
i dipheo tse utlwahalang le maikemisetso a ka lekanngwang bakeng sa ho fihlella boemedi, ho nketswe hloohong molawana wa III D.2; le ii maikemisetso a lokelang ho fihlelwa a ho rupela basebetsi ka mokgwa wa tshebetso le ho ya ka basebetsi ba ikgethang, ka meralo e ikgethang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa thupelo ya batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng; le d tharollo ya boemo ba basebetsi ba anngweng ke ho fediswa ha dikgeo tsa mosebetsi tse fumanweng di sa hlokahale, mme basebetsi ba tle ba fokotswe mosebetsing ho latela feela Molao wa Dikamano tsa Basebetsi mme ho lekolwe hape ditumellano tse fihletsweng ha mmoho ha ho sa fumanwe tharollo e nngwe.
a Tlhaloso ya leano le qaqisang boitlamo ba lefapha mohatong wa tokiso ya se ileng tsa fosahala nakong e fetileng, le ka moo leano leo le tla kenngwa tshebetsong ka teng.
b Merero ya dipalo le e tlangwang ke nako e itseng ya ho fihlela boemedi bo phethahetseng.
c Dipalopalo tsa selemo tsa khiro, thupelo le phahamiso boemong bo bong le bo bong ba mokgahlelo o itseng wa mosebetsi, ba batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
d Moralo wa ho tharollo ya bothata ba merero ya dipalo tse ka tlase ho sekepele se behilweng sa boemedi le tshehetso ya tswelopele ya batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
D.3 Bolaodi ba phethahatso bo tla etsa sephetho sa moralo oo ho buuwang ka ona molawaneng wa III D.1 le lenaneo la mohato wa tokiso ya tse ileng tsa fosahala nakong e fetileng leo ho buuwang ka lona molawaneng wa III D.2 le tsejwang lefapheng.
b moralo wa tlhekelo ya lesedi; le c moralo wa tshebetso o dumellang hore ho kenngwe mosebetsing moralo wa tlhekelo ya lesedi le taolo ya lesedi.
a merero yohle ya diprojekte tsa lesedi la theknoloji ho etsa monyetla wa kgokahano ya merero ya diprojekte tse jwalo tshebeletsong ya setjhaba; le b nyalano le Karolo ya Kgaolo ya 5.
Molawana wa E jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
c moo ho nang le sekgeo se sa tlatswang sa mosebetsi sa boemo ba 9 kapa boemo bo hodimo ho feta moo, bo tla hlahloba mosebetsi ntle leha mosebetsi ona o ile wa hlahlojwa pejana; le d bo tla netefatsa hore ho na le ditjhelete tse lekaneng tse lekanyeditsweng, ho kenyeleditswe ditjhelete tsa nako e setseng tsa moralo wa tshebetso ya ditshenyehelo wa nako e bohareng, bakeng sa ho tlatsa sekgeo sena sa mosebetsi.
a motho ya neng a kene sekgeong sa mosebetsi o lebeletswe hore a be a ile a ba siyo nakong e etsang hore mosebetsi wa hae o seke wa kgona ho etswa ke basebetsi ba bang; kapa b ho ile ha etsahala hore mosebetsi o eketsehe nakwana; kapa c ho hlokeha hore ho eketswe moifo wa basebetsi ba lefapha bakeng sa nakwana ka lebaka lefe kapa lefe.
e ho fetiswa ha basebetsi ho leba lefapheng le leng ho tla etsahala ka ho nkela hloohong ditlhoko tsa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi; le f ho fetisetswa ha ditjhelete lefapheng lena le amohelang mosebetsi ho tla tsamaiswa ho latela ditlhoko tsa serapana sa 6.5 tsa Melawana ya Matlotlo.
b ditlhoko tseo eleng karolo ya mosebetsi; le c ditlhoko tsa phahamiso mosebetsing kapa tswelopele ho fihlella bonamong bo hlahlamang ba moputso, ho latela motjha o tshwanelehileng.
I.2 Bonyane hang dilemong tse tharo, bolaodi ba phethahatso bo tla lekola botjha ditlhaloso tsa mosebetsi le dihlooho mme moo ho hlokehang, bo tla boela bo hlalosa hape mesebetsi ena ho netefatsa hore mesebetsi ena e dula e loketse mme e nepahetse.
a khoutu ya tefo CORE bakeng sa mokgahlelo wa mosebetsi; le b mokgwa wa tlhophiso ya mosebetsi.
c masupi a bokgoni boo; le d makgabane a labalabelwang a mosebetsi le phahamiso mokgeng oo wa mosebetsi.
I.5 Bolaodi ba phethahatso ka sepheo sa ho thusa tlhophollong ya mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba bo tla hokela dikgeo tsa mosebetsi kaofela tse teng lefapheng khoutung e tshwanetseng ya tefo le tshebetsong e hlahileng letotong la tsela ya tlhophiso ya mesebetsi.
a ho latela karolo ya 923b kapa ya 1333b ya Molao wa Motheo, bo tla kenyeletsa lesedi le lokodisitsweng molawaneng wa III J.2 kapa ho J.3 pehelong ya selemo, eo ho buuwang ka yona dikarolong tsa 401di le 3 ha mmoho le 651a ekasitana le 2 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba le serapa sa 18.5.1 sa Melawana ya Matlotlo; le b ho latela karolo ya 651a ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba, nakong ya kgwedi e le nngwe ka morao hoba bo amohele pehelo ya mohlakisi wa ditjhelete, bo tla teka pehelo ya selemo ka pele ho lekgotla le etsang melao le loketseng, mme nakong yona eo bo tla nehelana ka pehelo ya selemo ho ramatlotlo ya tshwanetseng, ho boraditaba le ho setjhaba.
J.2 Pehelo ya pele ya selemo, eo ho buuwang ka yona molawaneng wa III J.1, e tla tekwa ka pele ho lekgotla le tshwanetseng le etsang melao selemong sa ditjhelete se fellang mohla la 31 Tlhakubele selemong sa 2001, mme e tla kenyeletsa lesedi le hlahisitsweng serapeng sa 1 sa Sehlomathiso sa 1.
J.3 Ho tloha ka la 1 Mmesa 2001, pehelo ya selemo e tla kenyeletsa lesedi le mabapi le moralo, ho finyeletswa ha tshebeletso bathong, tlhophiso, hlahlobo ya mosebetsi, tefo, menyetla, ditshenyehelo tsa moifo wa basebetsi, tshebediso ya baeletsi, lenaneo la tokiso la ho kenya basebetsi ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng, ho thaothwa ha basebetsi, phahamiso ya bona, ho kgaotswa ha tshebeletso, taolo ya tshebetso, ntshetsopele ya mahlale a tshebetso, ho tswa kotsi mosebetsing, dikamano tsa mosebetsi, llifi le ho lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa ditaba ka teng. Molawaneng ona moeletsi?
c moralo wa ditlhahiso bakeng sa phethahatso ya mesebetsi e ikgethang; le c phethahatso ya tshebetso e ikgethang ya sebopeho sa thekniki le bohlale bo phahameng, kantle le ho sebedisa motho ya sebetsang lefapheng.
Molawana wa J.3 jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
J.4 Letona la tla tsepamisa kgafetsa sebopeho seo ka sona lesedi leo ho buuwang ka lona molawaneng wa III J.3 le tla kenyeletswa pehelong ya selemo.
Molawana wa J.4 jwalo ka ha o fetotswe ka Tsebiso ya Nomoro ya R.
a ho thusa ho finyella tlhophiso ya mosebetsi e baballang tjhelete; le b ho tsepamisa tefello e tshwanelehileng.
b lethathama la boima ba mosebetsi bo nkilweng tseleng kapa ditseleng tsa lethathameng la bonamo bo bong le bo bong ba sekepele sa moputso; le c mosebetsi kapa mokga wa mesebetsi eo bolaodi ba phethahatso bo lokelang ho e hlahloba.
c hlahloba mosebetsi ofe kapa ofe; kapa le d laela lefapha ho nka mehato ho matlafatsa boleng ba tsela, ho kenyeleditswe le hlahlobo e nngwe ya mesebetsi, popo e ntjha ya karolo e ikarabellang hlahlobong ya le kapa thupelo e nngwe hape ya basebetsi ba bang ba ikarabellang hlahlobong ya mosbetsi lefapheng.
B.3 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba hlahloba mosebetsi o mong le o mong lefapheng la bona.
a tshebeletso e kgabane le e sebetsang hantle ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong le ho nehelana ka dikgothaletso tse tshwanelehileng ho basebetsi.
b tefo ya moputso o lekanang bakeng sa mosebetsi wa boleng bo lekanang le maemo a mang a mosebetsi.
d tshebetso ya mosebetsi; le e tlhokeho ya ho thaotha le ho boloka moifo wa basebetsi ba nang le bokgoni bo loketseng.
a bakeng sa basebetsi ba akaretswang ke Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi, motjheng wa tsela e loketseng ya ditumellano tse fihletsweng ha mmoho tsa meputso; le b molemong wa basebetsi ba bang, ka tsepamiso.
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa boemo ba sekgeo sa mosebetsi hore bo tsamaelane le boima ba mosebetsi wa teng le ho beha moputso o simollang wa mosebetsi bonyaneng ba sekepele sa bonamo ba moputso o hokeletsweng boemong bo loketseng, ntle leha moputso o bontsha ho se lekane tlasa sekepele sa molawana wa V C.3.
C.2 Ha mosebetsi e le wa boima bo fetang ba moputso wa bonamo bo itseng, bolaodi ba phethahatso bo tla beha hore ho sebediswe bonamo ba moputso ofe o tshwanelehileng.
a haeba bolaodi bo hlahlobile lefapha la mosebetsi, empa bo sa kgone ho thaotha kapa ho boloka mosebetsi ya nang le bokgoni bo hlokehang ka moputso o bontshitsweng ke boima ba mosebetsi; le b bolaodi bo tla ngodisa lebaka la hore ke hobaneng moputso o bontshitsweng ke boima ba mosebetsi o fumanwe o sa lekana.
C.4 Haeba boima ba mosebetsi bo bontsha hore mosebetsi o tlatsitsweng o behilwe boemong bo tlase kapa bo hodimo, bolaodi ba phethahatso bo tla tlisa diphetoho tlhophisong ya mosebetsi kapa bo tla boela bo beha mosebetsi ona boemong bo bong hape ho latela boima ba mosebetsi le ho latela ditumellano tse tshwanelehileng tse fihletsweng ha mmoho, ho ya ka monyetla o entsweng molawaneng wa V C.5 ho isa ho C.
a boima ba mosebetsi ha bo lekanngwa ka tsela ya hlahlobo ya mosebetsi bo bontsha hore sekgeo sa mosebetsi se ne se ile sa fuwa boemo bo sa nepahalang; le b ditekanyetso tsa lefapha le ditshenyehelo tsa moralo wa tshebetso wa nako e bohareng di etsa monyetla wa ditjhelete tse lekaneng.
C.6 Ha bolaodi ba phethahatso bo eketsa moputso wa sekgeo sa mosebetsi ho latela ka moo ho entsweng monyetla ka teng molawaneng wa V C.
b a se a ile a fumana sephetho sa tshebetso e kgotsofatsang hlahlobong ya mosebetsi ona haufinyane; le c a qadile mosebetsi sekepeleng se tlase sa bonamo ba moputso o phahameng.
C.7 Ho kenngwa ha mosebetsi sekgeong sena sa mosebetsi se fuweng maemo a hodimonyana ho latela ka moo ho entsweng monyetla ka teng molawaneng wa V C.6 ho tla sebetsa ho tloha letsatsing la pele la kgwedi e latelang ya kgwedi eo bolaodi bo ileng ba ananela taba ena ya ho kenngwa mosebetsing hona.
i bo tla boela bo rala botjha mosebetsi hore o lekane le boemo ba mosebetsi; kapa ii bo tla fetisetsa motho enwa ya keneng mosebetsing ona mosebetsing o mong o bonamong bo tshwanang le boo ka moputso wa tjhelete; le b bo tla ikamahanya le molao o tshwanetseng ekasitana le ditumellano tse fihletsweng ha mmoho.
C.9 Bolaodi ka hlohle ka moo ho kgonehang ka teng bo tla beha moputso wa mosebetsi wa mokobobo, wa sehla se itseng kapa wa nakwana o tsamaelanang le moputso wa mosebetsi wa moshwella o behilweng boemong bo tshwanang le boo.
D.1 Letona le tla beha direiti tsa tefo ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa tshebetso ho latela ditumellano tse fihletsweng mmoho tsa meputso ka tsela ya dipuisano tsa meputso.
a haeba mosebetsi a sa wele mokgeng wa SMS, ntle le dintlheng tse ding tse itseng tse hlahisitsweng molawaneng wa V D.
c haeba bolaodi ba phethahatso bo fane ka tumello e ngotsweng esale pejana moo bo dumelang hore mosebetsi o jwalo o ka etswa; le d ntle le haeba ho na le mabaka a itseng a fapaneng, tefo ya kgwedi ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi e botjwa ka diphesente tse ka tlase ho 30 tsa moputso wa mosebetsi wa kgwedi le kgwedi.
D.3 Bolaodi ba phethahatso maemong a ikgethang, bo ka lefa setho sa SMS tjhelete ya dihora tse sebeditsweng kantle ho nako e tlwaelehileng ya mosebetsi haeba?
a tefo ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa tshebetso e le phesente e le nngwe kapa e le ka tlase ho tjhelete ya moputso ya boemo bo lokotseng ba moputso oo; le b lefapha le tsepamisitse mehato e hlakileng le e utlwahalang ha mmoho le ditsela tse mabapi le mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi tse ileng tsa rerwa le moifo wa basebetsi o loketseng.
e hore mohlokomedi wa basebetsi o lokela ho ngodisa tumello ya nako ena ya dihora tse kantle ho tshebetso ka tsela e jwang; le f mehato e meng ya taolo, haeba ho hlokeha.
E.1 Letona le tla tsepamisa menyetla ya mosebetsing, ditsela tsa ho fana ka ditlhapiso, ditsela tsa menyetla ya tshebetso ka motjha wa ditumellano tse fihlelwang ha mmoho tsa meputso, kapa bakeng sa basebetsi ba sa weleng ka hare ho Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi ka ho otloloha.
a ditlhapiso tse ikgethang tsa letsatsi le letsatsi tsa maeto a basebetsi a mose ho mawatle; le b kopo ya monyetla wa mosebetsi, tsela tsa tefo, monyetla wa mosebetsi kapa ditlhapiso.
E.3 Ho latela dipallo tsa tumellano tse loketseng le tse fihletsweng ha mmoho, bolaodi bo na le hona hore bo ka fana ka tjhelete basebetsing ba dikonteraka tsa nako e behilweng e lekanang le menyetla e fumanwang ke basebetsi ba moshwella, ntle le dihlooho tsa lefapha.
b ngodisa ka nepo le ka ho phethahala nako ya llifi kaofela e nkilweng ke mosebetsi; le c netefatsa hore mosebetsi ha a sebedise llifi ya ho kula ka tsela e fosahetseng.
G.1 Bonyane selemong se seng le se seng, Letona le tla phatlalatsa le ho nehelana mafapheng ka sekepele sa moputso kapa dikepele tsa meputso tse sebediswang tshebeletsong ya setjhaba.
G.2 Hlooho ya lefapha moo e sebetsanang le ditaba tsa batho ka bobona le moputso wa mosebetsi ya itseng, e tla hlompha tokelo ya mosebetsi ya hore ditaba tsa hae di dule di le poraefete.
a Lebitso la lefapha le aterese.
b Lebitso la mosebetsi c Sehlooho sa mosebetsi wa mosebetsi le mokga wa tshebetso ho latela khoutu ya CORE.
d Sekepele sa moputso wa mosebetsi.
e Le ditefello dife kapa dife tseo lefapha le di lefang mosebetsi ka ho otloloha ho latela motheo wa kgwedi e nngwe le e nngwe.
f Nako e lefellwang.
g Palo le lebaka la dikgulo dife kapa dife.
h Palo e napahetseng ya tjhelete e lefilweng mosebetsi.
Tikoloho ya mosebetsi e lokela hore e tshehetse tshebeletso e kgabane le e sebetsang hantle ya ho finyeletsa ditshebeletso le moo ho kgonehang maemo a utlwahalang a basebetsi ka ho fapana ha bona a lokela ho nkellwa hloohong, ho kenyeletswa le boqhwala, HIV (Human Immunodeficiency Virus, eo ka morao ho mona e tla bitswa feela HIV) le AIDS (Acquired Immune Deficiency Syndrome, eo ho tloha mona e tla bitswa feela AIDS) le maemo a mang a ho kula a tla nkellwa hloohong le ona.
Molawana wa A jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
i ditlhoko tsa setjhaba ka moelelo wa lenaneo le ntlafetseng la lefapha la ho finyeletsa tshebeletso setjhabeng; le ii ditlhoko le maemo a basebetsi, ho kenyeleditswe le boitlamo ba malapa le ditlhophiso tsa dipalangwang.
Hlooho ya lefapha e ka nna ya hloka mosebetsi hore a etse mosebetsi wa hae kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi haeba mosebetsi o lokela hore o etswe ntle le tshitiso ho latela maemo a kekeng a laolwa ke hlooho ya lefapha le ao hlooho ya lefapha e ne e keke ya lebellwa hore e be e ile ya etsa monyetla wa maemo a jwalo.
Hlooho ya lefapha e tla theha le ho hlokomela hore ho na le tikoloho e bolokehileng le e nang le bophelo bo botle bakeng sa basebetsi ba lefapha.
b e tla nka mehato kaofela e utlwahalang ya ho etsa monyetla wa thuso ya keletso e sa qobellweng le e tliswang ka nako le diteko ha mmoho le pheko e sebeletsang ho thibela ho kula ka morao ho pepeso e etsahetseng e tsamaelanang le ditataiso tse hlahelang le diprothokholo tsa basebetsi ba ileng ba pepeseha bohlokong ba HIV ka lebaka la ketsahalo ya mosebetsing; le c haeba teko tseo ho buuwang ka tsona serapeng sa b di bontsha hore mosebetsi o ile a ba le tshwaetso ya HIV ka lebaka la ketsahalo ya pepeso ya bohloko bona mosebetsing, ho tla etswa bonnete ba hore mosebetsi o a thuswa ho etsa kopo ya ditlhapiso ho latela Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mahloko a hlahileng ho basebetsi ba Tshebetsong, wa 1993 Molao wa Nomoro ya 130 wa selemo sa 1993.
a e tla netefatsa hore ha ho mosebetsi kapa motho ya lakatsang ho sebetsa lefapheng ya kgethollwang ka leeme ka lebaka la boemo ba ho kula ha hae ba HIV, kapa boemo boo a bo hopolelwang ba HIV, ka leano lefe kapa lefe la lefapha kapa tlwaelo; mme b e tla nka mehato e loketseng e eme ka maoto ho kgothaletsa hore ho seke ha eba le kgethollo le ho tshireletsa basebetsi ba nang le tshwaetso ya HIV le basebetsi ba nkuwang ba na le tshwaetso ya HIV ho latela kgethollo.
a tla kgothaletsa thuso ya keletso e sa qobellweng ha mmoho le hlahlobo ya HIV ekasitana le ho kula ho tsamaelanang le mahloko ana, moo ho kgonehang, e tla etsa monyetla wa hore basebetsi ba kgone ho finyella ditshebeletso tse jwalo lefapheng; hape b tla etsa bonnete ba hore ha ho na mosebetsi kapa motho ya hopotseng ho kena mosebetsing wa lefapha ya hlahlobelwang HIV ntle leha Lekgotla la Dinyewe tsa Basebetsi le phatlaladitse hore hlahlobo e jwalo e loketse ho etswa ho latela Molao wa Tekano Mosebetsing, wa 1998 Molao wa Nomoro ya 55 wa 1998.
Basebetsi kaofela ba tla boloka lesedi la boemo ba mosebetsi ya nang le tshwaetso ya HIV e le lekunutu mme ba keke ba hlahisa lesedi leo mothong ofe kapa ofe e mong ntle le tumello ya mosebetsi enwa ya amehang e ngotsweng fatshe.
b theha mekgwa sebakeng sa mosebetsi ya ho kgothaletsa basebetsi ba nang le tshwaetso ya HIV ho se tshabe letho kapa hoba le kelello e batsi, ho amohela, ho fumana tlhokomelo le ho hlokomela hore ba fumana tshehetso.
e e tla theha komiti ya HIV/AIDS ya lefapha ka baemedi ba anetseng le tshehetso e tswang ho baamehi ba tshwanetseng, ho kenyeleditswe baemedi ba mekgatlo ya basebetsi, ho etsa monyetla wa tshebetso e ntle ya dipallo tsa molawana wa VI E; hape f netefatsa hore lenaneo la kgothaletso ya bophelo bo botle le kenyeletsa lewa la kgokahano e sebetsang hantle ya ka hare.
Molawana wa E jwalo ka ha o kentswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Hlooho ya lefapha e tla kenya tshebetsong mehato e loketseng ya tlhokomelo le hlahlobo ya tshusumetso ya lenaneo la kgothaletso ya bophelo bo botle basebetsing ba lefapha.
Molawana wa F jwalo ka ha o kentswe ka Tsebiso ya Nomoro ya R.
Ditlwaelo tsa ho kenya basebetsi mosebetsing e tla ba tse tla netefatsa hore ho na le tekano mosebetsing, ha ho na leeme, ho sebetswa ka bokgabane le hore ho fihlellwa tshebeletso ya setjhaba e nang le boemedi. Mehato ya tokiso ya tse neng di fosahetse nakong e fetileng e tla sebedisetswa ho potlakisa ho thehwa ha tshebeletso ya setjhaba e nang le boemedi le tekano le ho fana ka tshehetso e bonahalang ya batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ka lebaka la kgethollo e nang le leeme ho etsa hore ba kgone ho fihlella bokgoni ba bona bo phethahetseng. Ditlwaelo tsa ho fana ka mosebetsi di lokela ho kgothaletsa haholo tenyetseho, le ho fokotsa tsamaiso eo eleng morwalo ho ramosebetsi le mosebetsi, le hore ka kakaretso ho thibelwe tshenyo le tshebetso e hlokang bokgabane.
g bo tla netefatsa hore mosebetsi e mong le e mong ka morao hoba a hirwe o fuwa konteraka e ngotsweng ya mosebetsi, ho kenyeleditswe le dipallo le dipehelano tsa mosebetsi wa hae.
B.2.1 Konteraka e lokela ho fihlellwa ke bolaodi ba phethahatso le hlooho ya lefapha ho latela karolo ya 12 jwalo ka ha e tsepamisitswe Karolong ya 1 ya Sehlomathiso sa 2 sa Melawana ena. Ha mmoho le dintlha tse lohothwang karolong ya 12 (a) ho isa ho ya (c) ya Molao ona, konteraka e ka nna ya qoholla boromuwa bo ka sehloohong kapa tumello ho hlooho ya lefapha ho latela molawana wa II B.1 eleng se hlokehang ho laola lefapha ho latela karolo ya 7 (b) ya Molao ona, le karolo e hlakisang hore boromuwa kapa tumello di phaellwe kapa di fokotswe tumelanong.
B.2.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla etsa monyetla wa hore Letona le fumane khopi ya konteraka ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng ka morao hoba ho fihlelwe tumellano.
b mabaka a sethatho a ho lesa mosebetsi a sa dumeleng hore basebetsi ba tswileng tshebeletsong ba boele ba fuwe mosebetsi hape; kapa c mosebetsi wa mehleng a ileng a lesa tshebeletso ya setjhaba ka lebaka la ho kula mme a keke a kgona ho hlahisa bopaki ba haufinyane bo bontshang hore o a hlaphohelwa.
B.4.1 Bolaodi ba phethahatso ka tumellano le mosebetsi ya amehang, bo ka nna ba sebedisa mosebetsi sebakeng se seng sa mosebetsi lefapheng le leng tshebeletsong ya setjhaba bakeng sa tshebeletso e itseng kapa bakeng sa nako e itseng.
B.4.2 Lefapha le amohelang mosebetsi enwa le tla jara ditshenyehelo tse kenyeleditseng tsohle tsa mosebetsi enwa ya tlisitsweng ho lona, ntle leha mafapha ana ka bobedi a dumellana ka tsela e nngwe e fapaneng, kapa, ha mohlomong Ramatlotlo a ananela ditlhophiso tse ding.
B.4.3 Monyetla o entsweng ka molawana wa VII B.4.2 o boetse o sebetsa le tshebedisong ya basebetsi bakeng tse ding o entsweng ho latela karolo ya 15 ya Molao wa mebuso e meng le mekgatlo ya matjhaba.
B.5.1 Hlooho ya lefapha e ka lefella mosebetsi bakeng sa ho tshwara mokobobo sekgeong se hodimo se hlokang mosebetsi ya sebetsang ho sona ho latela tsepamiso e entsweng ke Letona ka tsela ya ditumellano tsa meputso tse fihletsweng mmoho le mekgatlo ya basebetsi.
B.5.3 Mosebetsi a keke a tshwara mokobobo sekgeong sa mosebetsi o hodimo nakong e tlolang dikgwedi tse 12 tse sa kgaokgaoheng.
B.5.4 Ka mabaka a molawana wa VII B.5.3, nako efe kapa efe e sa kgaokgaolweng ya ho tshwara mokobobo sekgeong sa mosebetsi o hodimo hang pejena ho 1 Phupu 1999, e tla nkellwa hloohong moo mosebetsi a tswelang pele ka ho tshwara mokobobo ho fihlela nakong e jwalo.
C.1.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa ditlhoko tsa mosebetsi tsa sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi ho latela motheo wa sebopeho sa ditlhoko tsa mosebetsi oo.
c ikamahanya le ditlhoko dife kapa dife tsa molao khirong ya basebetsi.
C.2.1 Bolaodi ba tla netefatsa hore dikgeo tsa mosebetsi tse teng lefapheng di a phatlalatswa hore di finyelle, ka nepahalo le ka bokgabane ka hohle ka moo ho ka kgonehang ka teng bongateng ba batho ba nang le monyetla wa ho etsa kopo ya mosebetsi, haholo batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
C.2.2 Papatso ya sekgeo sa mosebetsi e tla qaqisa ditlhoko tseo eleng tsona tse ka sehloohong mosebetsing ona, sehlooho sa mosebetsi le mesebetsi ya sehlooho ya mosebetsi ona.
C.2.3 Sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi se teng ho SMS se tla phtlalatswa naheng ka bophara.
a sebakeng se seng tshebeletsong ya setjhaba; kapa b kantle ho tshebeletso ya setjhaba naheng ka bophara kapa karolong ya selehae.
C.2.5 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba tlatsa sekgeo sa mosebetsi ntle le ho ikamahanya le melawana ya VII C.2.3 le ya C.2.
c lefapha le rerile ho tlatsa sekgeo seo sa mosebetsi jwalo ka karolo ya lenaneo la ho fa basebetsi monyetla wa ho potoloha mesebetsi kapa ho fetisetsa basebetsi mesebetsing e meng ho matlafatsa tshebetso e ntle ya tlhophiso ya mosebetsi le mahlale a mosebetsi; kapa d sekgeo sa mosebetsi se tlatswa ho latela karolo ya 3B ya Molao.
C.2.6 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba sebedisa boemedi bo loketseng ho fumana baikopedi bakeng sa dikgeo tsa mosebetsi, ha feela papatso le mehato ya ho hlwaya batho bakeng sa mosebetsi e nyalana le melawana ya VII C le ya D.
C.2.7 Letona le ka nna la laela hore dikgeo tsa mosebetsi di phatlalatswe ka mokgwa o jwang tshebeletsong ya setjhaba.
D.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla kgetha komiti e tla etsa dikgothaletso tsa batho ba lokelang hore ba hirwe bakeng sa dikgeo tsa mosebetsi. Komiti ya kgetho e tla botjwa ka ditho tse tharo bonyane tseo eleng basebetsi ba boemong bo lekanang le ba mosebetsi oo kapa ba ka hodimo ho boemo ba sekgeo seo sa mosebetsi se lokelang hore se tlatswe kapa batho ba loketseng ba tswang kantle ho tshebeletso ya setjhaba kapa moo basebetsi ba jwalo le batho ba jwalo ba nang le boemedi.
a modulasetulo wa komiti ena e hlwayang, eo e tla be e le mosebetsi, o tla be a le boemong bo hodimonyana ho feta ba sekgeo sena sa mosebetsi se lokelang ho tlatswa; mme b haeba ho etsahala hore motsamaisi wa karolo eo eleng yona e nang le sekgeo sena sa mosebetsi, a le boemong bo ka tlase ho sekgeo sa mosebetsi ona, motsamaisi ya jwalo a ka nna a kena feela komiting ya kgetho.
a hlooho ya lefapha la naha, e tla kenyeletsa bonyane Matona a mararo; mme b hlooho ya tsamaiso ya provense kapa ya lefapha la provense, bonyane e tla kenyeletsa ditho tse tharo tsa Lekgotla la Phethahatso tsa provense e tshwanetseng.
D.3 Komiti ya kgetho, moo ho kgonehang, e tla kenyeletsa boemedi bo anetseng batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong fetileng.
D.4 Basebetsi ba boemong bo ka tlase ho boemo ba sekgeo sa mosebetsi se lokelang ho tlatswa ba ka nna ba thusa ka ditshebeletso tsa bongodi kapa tsa boeletsi nakong ya tshebetso ya ho hlwaya moikopedi ya loketseng, empa bona e keke ya eba karolo ya komiti e etsang kgetho.
d boemeding ba karolo eo sekgeo seo sa mosebetsi se leng ho yona; le e lenaneong la lefapha la tokiso ya diphoso tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng.
D.6 Komiti ya kgetho e tla ngodisa mabaka a qeto ya yona mabapi le dikepele tse hlohlomisitsweng molawaneng wa VII D.5.
D.7 Ha bolaodi ba phethahatso bo sa ananele kgothaletso ya komiti ya kgetho bolaodi bo tla ngodisa mabaka a qeto ya bona.
a ikgotsofatsa hore mosebetsi ya kopileng mosebetsi o kgotsofatsa ditlhoko tsa mosebetsi oo ka ho phethahala le hore kopo ya moikopedi enwa ya mosebetsi e tiisitswe; mme b ngodisa tiiso eo ya kopo.
E.1 Basebetsi ba fuweng mosebetsi o sa feteng selemo se le seng, ha ba behwe nakong ya teko ya mosebetsi.
d mosebetsi ya tekong o tla fumana tiiso e ngotsweng ya khiro ha nako ya hae ya teko mosebetsing e fela haeba a ile a fumanwa a tshwanetswe ke ho ka kena sekgeong se loketseng sa mosebetsi; mme e haeba ho lekolwa taba ya teleko ya hae ka lebaka la hobane a hloleha ho phetha mosebetsi oo a o filweng, mosebetsi ya tekong o fuwa monyetla wa ho tshetleha lehlakore la hae la ditaba, nakong eo ka yona mosebetsi ya neng a behilwe tekong ya mosebetsi a nang le monyetla wa hore a ka thuswa ke moemedi eo eleng wa hae, ho kenyeleditswe e mong wa ba sebetsang le yena kapa moemedi wa mokgatlo.
a ditjhelete tse lekanyeditsweng hantle, ho kenyeletswa le ditjhelete tsa nako e setseng tsa moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tse loketseng tsa nako e mahareng tse teng bakeng sa ho tlatswa ha sekgeo seo sa mosebetsi; mme b sekgeo sa mosebetsi se ile sa phatlalatswa mme moikopedi a hlwailwe ho latela melao ya VII C le ya D.
F.2 Ha ho phahamiso ya mosebetsi e tla sebetsa pele ho letsatsi la pele la kgwedi e hlahlamang eo bolaodi ba phethahatso bo ananetseng phahamiso ena ka yona.
F.3 Ha ho mosebetsi ya nang le tokelo efe kapa efe ya ho phahamisetswa sekgeong sa mosebetsi ho fihlela phahamiso eo e ananelwa ka lengolo ke bolaodi ba phethahatso.
G.1 Dilemo tsa ho beha meja fatshe
Mosebetsi o tla beha meja fatshe (ya pensheneng) ha a le dilemong le tlasa maemo a qaqisitsweng karolong ya 16 ya Molao.
G.2.1 Bolaodi bo tla tsepamisa mokgwa oo mosebetsi a tla dihela mosebetsing ka ona.
G.2.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla ngodisa mabaka ao mosebetsi a faneng ka ona a ho dihela mosebetsing.
b moo mosebetsi ofe kapa ofe wa nakwana ya hirilweng nakong e ka tlase ho dibeke tse nne; a fane ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ya bonyane beke e le nngwe kapa c moo mosebetsi wa dinakong tse itseng ya neng a hirilwe nakong e fetang dibeke tse nne, a fane ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ya bonyane dibeke tse pedi.
G.2.4 Mosebetsi eo e tla ba e mong wa bonkgetheng dikgethong tsa ditho tsa Palamente kapa Lekgotleng lefe kapa lefe la provense, kapa ya tla thonngwa jwalo ka setho sa moshwella Lekgotleng la Naha la Diprovense, o tla lokela hore a lese mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba esale pejana.
G.3.1 Bolaodi ba phethahatso ka lebaka la bopaki ba bongaka bo ka nkella hloohong taba ya ho lokolla mosebetsi mosebetsing ho latela karolo ya 17 (a) ya Molao on ka lebaka la ho kula. Ho fihlela mona, bolaodi ba phethahatso bo ka hloka hore mosebetsi a fumane hlahlobo ya bongaka e tla etswa ke ngaka e ngodisitsweng e le ngaka e ikgethang.
G.3.2 Ho lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula ho tla etswa ka ho nkella hloohong temana ya 10 ya Moralo wa 8 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
a dikarolo tsa 172b le c tsa Molao le dikarolo tsa 189 le 190 tsa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi; le b tumellano dife kapa dife tse amehang ho tse ileng tsa fihlelwa mmoho di phethahaditswe mme ho hlakile hore ha di behe menyetla eo basebetsi ba lokelang ho e fumanwa ka mosing.
G.4.2 Haeba bolaodi ba phethahatso bo fetisa mosebetsi karolong e nngwe ya tshebetso e kantle ho tshebeletso ya setjhaba, mosebetsi o tla lokela hore a ikamanye le karolo ya 197 ya Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
Ha ho kgaotswa ditshebeletso tsa mosebetsi ya neng a ntse a le tekong ya mosebetsi o itseng ho latela karolo ya 13 ya Molao, ho tshwanetse hore ho nkellwe hloohong temana ya 8 ya Moralo wa 8 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
Hlooho ya lefapha e tla boloka rekoto ya mosebetsi e mong le e mong le ya sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi se teng le se ananetsweng ho latela Lesedi la Naha la Bonyane ba Ditlhoko le ntshitsweng ke Letona.
Mafapha a tla laola tshebetso ka mokgwa wa ditherisano, o tshehetsang le o sa kgeseng e le ho matlafatsa tlhophiso e kgabane le e babatsehang, boikarabelo ba tshebediso ya mehlodi le ho fihlella sephetho. Ditsela tsa taolo ya tshebetso di tla hokahana le meralo e batsi le ya ho ya ho ile ya ntshetsopele ya moifo wa basebetsi le ho ikamanya le sepheo sa lewa la lefapha. Tshekamelo ya sethathong ya taolo ya tshebetso e tla ntshetswa pele empa e tla dumella karabelo e kgabane tshebetsong e phethahetseng ya ho ya ho ile le ho lemoha tshebetso e tswileng matsoho. Mehato ya taolo ya tshebetso e lokela ho fokotsa morwalo wa tsamaiso bahlokomeding ha ka lehlakoreng le leng e loketse hore e hlokomele ponaletso le toka ya tsamaiso.
B.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa mokgwa wa taolo ya tshebetso le ntshetsopele ya basebetsi lefapheng ntle le basebetsi bao eleng ditho tsa SMS, ka ho kgema ha mmoho le metheo ya molawana wa VIII A. Mokgwa ona o tla sebediswa ka ho phethahala mafapheng kaofela ho tloha mohla la 1 Mmesa 2001 ho nkeletswe hloohong dipallo tsa seratswana sa 4 sa Sehlomathiso sa 1.
a nako eo tshebetso e lokelang hore e hlahlojwe ka yona, sedikadikwe sa tshebetso?
b letsatsi la selemo la hlahlobo ya tshebetso; le c mohlokomedi ya nang le boikarabelo ba ho hlokomela, ho bona hore dintho di tsamaiswa hantle le ho hlahloba tshebetso ya mosebetsi.
b pele sedikadikwe sa hlahlobo se simolla kapa nakong ya kgwedi e le nngwe ka morao ho khiro kapa phahamiso mosebetsing oo; mohlokomedi o tla hlalosetsa mosebetsi mohato wa hlahlobo ya tshebetso; mme c o tla tsebisa mosebetsi ka sekepele se sebediswang ho hlahloba tshebetso ya hae.
b bonyane a buwe le yena ha bedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse tlang pele ho nako ya mosebetsi ya hlahlobo ya molao ya tshebetso ya hae; mme c a mo ngolle, ka mohla hlahlobo ya selemo le ya molao ya tshebetso ya hae.
C.2 Hlahlobo e tla thehwa feela hodima lesedi le fuperweng ke sesebediswa sa hlahlobo ya tshebetso se qaqisitsweng. Leha ho le jwalo, moo ho entsweng boipiletso mabapi le hlahlobo, lesedi leo ho fanweng ka lona la boipiletso, le lokela hore le nkelwe hloohong.
C.3 Bolaodi ba phethahatso pele bo sebedisa mokgwa wa taolo ya tshebetso le wa ntshetsopele oo ho buuwang ka ona molawaneng wa VIII B.
a leka mokgwa ona pele dihlopheng tsa basebetsi mekgeng kaofela ya tshebetso e lekaneng ho ka kgona ho fana ka matla a tshebetso a mokgwa ona o utlwahalang; mme hape b rerisana le mekgatlo ya basebetsi lefapheng la bona.
D.1 Mohlokomedi wa mosebetsi o tla tsebisa mosebetsi ka ho mo ngolla sephetho sa hlahlobo mme haeba tshebetso ya mosebetsi e sa kgotsofatse, mohlokomedi o tla nehelana ka mabaka a hlahlobo eo e jwalo.
D.2 Mohlanka ya sa kgotsofallang sephetho sa hlahlobo ya hae, a ka nna a hana ho saenela sephetho.
D.3 Mohlokomedi wa mosebetsi o lokela ho fumanela mosebetsi ya sa kgotsofallang sephetho sa hlahlobo ya hae tsela ya boipiletso ka mokgwa o hlakileng.
D.4 Boipiletsong ba sephetho sa hlahlobo, mosebetsi a ka nna a thuswa ke mosebetsi e mong ya sebetsang le yena kapa moemedi wa hae wa mokgatlo.
D.5 Bolaodi ba phethahatso bo keke ba buwa ka sephetho sa tshebetso ya mosebetsi le motho ya sa sebetseng lefapheng la bona ntle leha mosebetsi a fane ka tumello e ngotsweng fatshe e jwalo.
b haeba tshebetso e sa kgotsofatse hoo e fokolang ka mokgowa oo ntlafalo e hlokehang e kekeng ya fumaneha, bolaodi bo tla lekola mehato ya ho lokolla mosebetsi tlasa mabaka a ho se tshwanelwe ke ho etsa mosebetsi oo kapa ho hloka bokgoni ba ho phetha mesebetsi wa hae.
F.1 Haeba ditekanyetso tsa lefapha le moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tsa nako e mahareng le na le ditjhelete tse lekaneng, hlooho ya lefapha e ka nna ya theha morero wa dikgothaletso tsa ditjhelete tsa basebetsi kapa morero wa dikgothaletso tsa ditjhelete tsa mokgahlelo ofe kapa ofe wa basebetsi bao.
b e tla buisana le basebetsi ka sebopeho le melawana ya morero ona o lekanang basebetsi bohle; mme c e tla netefatsa hore basebetsi ba phethahatsang mehato ya boleng le taolo ya palo morerong ona ba keke ba tshepelwa ho kenya tshebetsong morero ona mabapi le bona.
ho mo fa moputso wa tjhelete e sa feteng diphesente tse 20 tsa moputso wa hae wa selemo oo ho hulwang penshene ya selemo ho yona, eo ho sa tlo hulwa tjhelete ya penshene ho yona, kapa ka tumello ya Letona a fuwa moputso wa tjhelete e fetang diphesente tse 20 tsa moputso wa hae wa selemo; kapa iii moputso o jwalo oo eseng wa tjhelete ha mmoho le moputso o jwalo wa tjhelete.
Basebetsi ba lokela hore ba dule ba kgona ho fumana thupelo ya motjha o tjhele e tobisitsweng morerong wa ho fihlella tshebeletso ya setjhaba e sebetsang ka bokgabane, e sa kgeseng lehlakore le nang le boemedi bo botle. Thupelo e lokela ho tshehetsa tshebetso ya mosebetsi le ntshetsopele ya lekala leo mosebetsi a sekametseng ho lona. Thupelo e lokela hore e kgannwe ke ditlhoko haholo le ho amana ka tsela ya lewa le ditlwaelo tsa mehlodi ya basebetsi tse batsi ho feta, ha mmoho le mananeo a matlafatsang tekano le boemedi.
B.1 Letona le ka nna la hlokomela kapa la netefatsa hore seabo sa tshebeletso ya setjhaba institjhusheneng e nngwe le e nngwe se reretsweng ntshetsopele ya thupelo tshebeletsong ya setjhaba, se tsamaelana le Molao wa Bolaodi ba Afrika Borwa ba Mangolo a Boiphihlelo wa 1995 (Molao wa Nomoro ya 58 wa selemo sa 1995).
B.2 Ho latela dipallo tsa Molao le Melawana ena ha mmoho le dipallo tsa Mmuso kapa tsa Lekgotla Dithendara la Provense, ho ka nehelanwa ka thupelo kahare kapa kantle.
B.3 Mohlokomedi o tla nehelana ka menyetla ya thupelo bakeng sa basebetsi ba tlasa tlhokomelo ya hae le taolo ho latela moralo wa lefapha wa thupelo.
B.5 Setho sa SMS se tla etsa hore se fumenehe ho rupela basebetsi tshebeletsong ya setjhaba kapa hore se nehelane ka thupelo.
C.1 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tse mabapi le thupelo ya basebetsi kapa bakeng sa mokgahlelo o itseng wa basebetsi tshebeletsong ya setjhaba.
C.2 Moo ho tshwanetseng, Letona le tla etsa bonnete ba hore institjushene e nngwe le e nngwe e nang le boikarabelo ba thupelo tshebeletsong ya setjhaba le hore thupelo eo ho fanwang ka yona tshebeletsong ya setjhaba e fumana mangolo a yona a tswang Bolaoding ba Afrika Borwa ba Mangolo a Boiphihlelo.
C.3 Lefapha kapa institjushene ya thupelo e fanang ka thupelo efe kapa efe e tlileng ka lebaka la taelo ya Letona, e tla ntsha ditifekeiti mabapi le thupelo eo ha e phethilwe ka katleho. Mafapha kaofela a tla ananela ditifekeiti tseo.
Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa bokgoni bo hlokehang le ho tsepamisa thupelo ya mekgahlelo e fapafapaneng ya tshebetso kapa bakeng sa basebetsi ba qoholehileng lefapeng.
b mosebetsi a kopileng thuso efe kapa efe e jwalo.
E.2 Hlooho ya lefapha e ka nna ya fana ka thuso efe kapa efe ya tjhelete kapa thuso e nngwe ya ho ithuta ka mokgwa wa nakwana kapa wa ho ya sekolong ka ho phethahala institjusheneng ya selehae kapa ya matjhaba. Hlooho ya lefapha e ka nehelana ka thuto hape ya dithuto le thupelo ka mokgwa wa thupelo e tla nneng e etswe jwalo jwalo ya dithuto tse kgutshwanyane, dipitso, disimphosiamo, disemina, diboka, diwekshopo, dilektjhara le maeto a dithuto.
a ka fana ka basari ya thuto e hodimo ho mosebetsi ya sebetsang lefapheng le eo ho hopotsweng hore a tle a sebetse lefapheng, empa e ka abela basebetsi ba sebetsang lefapheng feela dibasari tsa thuto e akaretsang le thuto e ntshetswang pele ha mmoho le thupelo; mme b keke ya hloka tumellano ya mosebetsi tshebeletsong ho lefella thuso e fumanweng mabapi le thuto e akaretsang kapa thuto e ntshetswang pele ha mmoho le thupelo.
E.4 Hlooho ya lefapha e ka nna ya nehelana ka tjhelete ya ho lefella ditshenyehelo tsa nnete tse amanngwang le dithuto, dipatlisiso kapa thupelo empa ha e a lokela hore e nehelane ka tjhelete e tla anela ditshenyehelo kaofela.
E.5 Mosebetsi ya sebetsang o tla nne a fumane moputso wa hae o tla balellwa e le karolo ya thuso ya tjhelete e tswang lefapheng nakong ya dithuto dife kapa dife, diphuputso kapa thupelo.
E.6 Ho latela Melawana ya Ramatlotlo, hlooho ya lefapha e ka nna ya lesa ho batla tefo e feletseng kapa karolo ya molato ofe kapa ofe wa dithuto.
i motho ya fuweng basari ya neng a ithuta a le sekolong ka ho phethahala a itlamang hore o tla lefa basari ena ka ho sebeletsa lefapha ho latela motheo wa selemo se le seng bakeng sa selemo se seng le se seng sa nako ya ho ithuta kapa karolo efe kapa efe ya nako eo; kapa ii motho ya fuweng basari ya neng a ithuta nakwana a dumelang hore o tla lefa basari ka ho sebeletsa lefapha bonyane selemo se le seng ka morao hoba a atlehe ho fumana mangolo a tshwanelehileng a thuto; mme b motho ya ileng a fuwa basari ya ithutang ka ho phethahala sekolong, o tla qala ho sebeletsa lefapha ka morao hoba a kgotsofatse ditlhoko kaofela tsa lengolo la hae le tshwanelehileng.
E.8 Mosebetsi ya hlolehang ho phetha lengolo la boiphihlelo bo tshwanelehileng o tla lefella boitlamo bofe kapa bofe ba hae ho latela tumellano mohlomong ka tsela ya ho sebeletsa lefapha kapa ka ho lefa tjhelete ya basari ha mmoho le tswala ho latela sekepele se tla behwa ke Letona la Ditjhelete ho ya ka karolo ya 80 (b) ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba.
E.9 Moo mosebetsi a ithutang kapa a leng thupelong ya nako e kgutshwanyane, hlooho ya lefapha e ka hloka hore mosebetsi a kene tumellanong le lefapha ya hore o tla sebeletsa lefapha bakeng sa nako eo a ithutileng ka yona e le pehelano ya pele ya hore a tle a kgone ho fumana thuso.
a thuto e tswelang pele le thupelo?
b thuto ka kakaretso e bolela mohato wa ho kena sekolo se tlamang jwalo ka ha o hlalositswe karolong ya 3 ya Molao wa Dikolo tsa Afrika Borwa wa 1996 Molao wa Nomoro ya 84 wa 1996; le c thuto e phahameng e bolela thuto e phahameng jwalo ka ha e hlalositswe karolong ya 1 ya Molao wa Thuto e Phahameng wa 1997 Molao wa Nomoro ya 101 wa 1997?
Bolaodi ba phethahatso bo na le matla a ho sebetsa lebitsong la Mmuso jwalo ka ramosebetsi mme bo tla laola dipuisano, bo phethele ditumellano tse fihlelwang ha mmoho le ho rarolla diqabang tsa mosebetsi ho latela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi. Bolaodi ba phethahatso bo keke ba saena tumellano e nang le tshusumetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo ntle le haeba bo na le matla a sa thekeseleng a ho etsa jwalo.
Haeba tumellano e fihletsweng mmoho e saennweng ke moemedi ya fuweng matla ke Mmuso jwalo ka ramosebetsi e ama lefapha, bolaodi ba phethahatso ba lefapha bo tla e phethahatsa le ho e qobella.
b a na le matla a ho sebetsana le taba e amehang; mme c a kgotsofatsa ditlhoko tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo tse fuperweng ke molawana wa X D.
C.2 Dipuisano tsa ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso di tla laolwa ke Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
C.3 Lekgotleng la Tshebeletso ya Setjhaba la Bohokedi ba Dipuisano tsa Moputso, le sebetsang ka ditaba tsa tshebeletsong ya setjhaba, Letona le tla laola dipuisano lebitsong la Mmuso jwalo ka ramosebetsi.
a haeba bolaodi ba phethahatso bo itseng bo laola karolo, bo na le boikarabelo ba ho laola ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso; kapa b haeba bolaodi ba phethahatso bo fetang palo e le nngwe bo laola karolo, Khabinete e tla thonya bolaodi bo le bong ba phethahatso ho laola dipuisano tsa ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso.
C.5 Bolaodi ba phethahatso bo tla nehelana ka khopi ho Letona ya ditumellano dife kapa dife tse fihletsweng mmoho lekgotleng la dipuisanong tsa lefapha kapa tsa karolo.
ha bo na le boitlamo bo ngotsweng bo tswang ho Ramatlotlo ba ho fana ka tjhelete e nngwe hape; kapa iii ditekanyetsong tsa ditjhelete tse tswang mafapheng a mang kapa mekgatlong e nang le tumellano e ngotsweng le kananelo ya Ramatlotlo.
Ho tlisa diphetoho le ho ntjhafatsa tshebeletso ya setjhaba ho tla etsahala nakong e behilweng molawaneng wa XI B ho latela Karolo ena le tsepamiso ha mmoho le ditaelo tse ntshitsweng ke Letona ho latela karolo ya 3 (c) le (e) ya Molao.
Ho tlisa phetoho le ntjhafatso hoo ho buuwang ka hona molawaneng wa XI A ho tla phethelwa nakong e sa tleng ka morao ho mohla la 16 Phupjane 2003, empa haeba ditaelo, tseo ho buuwang ka tsona molawaneng oo, di sa ka tsa phethiswa ka botlalo mohla la 16 Phupjane 2003, nako eo e tla lelefatswa ho fihlela mohla la 16 Loetse 2003.
Haeba ho hlaha kgohlano dipakeng tsa dipallo tsa Karolo ena le dipallo tsa Karolo efe kapa efe e nngwe ya Melawana ena, dipallo tsa Karolo ena ke tsona tse tla hlahella.
Karolo ya XI jwalo ka ha e ile ya kenngwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 838 ya mohla la 14 Phupjane 2002 e sebetsang ho tloha ka la 17 Phupjane 2002.
A.1 Hore ho tle ho fanwe ka tshusumetso e sebetsang ya dipallo tsa motheo tse tshwanetseng tse amanang le tshebeletso ya setjhaba, basebetsi bohle ba lebeletswe hore ba inyalanye le Khoutu ya Boitshwaro eo ho nehelanweng ka yona Kgaolong ena.
A.2 Khoutu e lokela ho sebetsa jwalo ka tataiso ho basebetsi ho tseba se lebeletsweng ho bona ho latela lehlakore la maikutlo a boitshwaro ba batho, bothong ba bona boinotshing ba bona ha mmoho le dikamanong tsa bona le batho ba bang. Boinyalanyo le khoutu ke ntho e ka lebellwang ho matlafatsa tshebetso ya profeshenale le ho thusa ho netefatsa boitshepo tshebeletsong ya setjhaba.
B.1 Ho na le tlhokeho ya hore ho nehelanwe ka tsela ho basebetsi mabapi le dikamano tsa bona le ditho tsa palamente, boradipolotiki le batho ba nang le maemo a ofisi e kgolo ya phethahatso, basebetsi ba bang le setjhaba le ho supa moya oo basebetsi ba lokelang ho sebetsa ka ona mesebetsing ya bona, hore ho etswe jwang ho qoba dikgohlano tsa ditabatabelo le hore ho lebeletswe eng ho bona mabapi le boitshwaro ba bona bothong ba bona le bophelong ba bona ba poraefete.
B.2 Leha Khoutu ya Boitshwaro e radilwe hore ebe ya kakaretso ka hohle ka moo ho ka kgonehang, ha se pokeletso ya melao le melawana e nyemisang motho mooko e laolang maemo a boitshwaro. Leha ho le jwalo, hlooho tsa mafapha, ho latela boemo ba boikarabelo ba bona ka ho ya ka karolo ya 7 (b) ya Molao wa taolo e babatsehang le tsamaiso ya mafapha a bona ekasitana le tlhokomelo ya taolo, hara tse ding ba na le mosebetsi wa ho netefatsa hore boitshwaro ba basebetsi bo nyallana le makgabane a mantlha le metheo e laolang tsamaiso ya setjhaba le ditabatabelo le maemo a laeletswang ke Molao. Hlooho ya lefapha e lokela le hore e netefatse hore moifo wa basebetsi ba yona o tseba mehato ena, le hore moifo o a e amohela le ho e sekehela tsebe.
B.3 Sepheo sa sethatho sa Khoutu ke se setle, e leng ho kgothaletsa boitshwaro boo ba bang ba ka inkelang mohlala ho bona. Ho sa hanyetswe sena, mosebetsi o tla fumanwa a le molato wa boitshwaro bo fosahetseng, mme ho ka nna ha sebetsanwa le yena ho latela tumellano e loketseng ya tse fihletsweng ha mmoho haeba ho etsahala hore a tlole pallo efe kapa efe ya Khoutu ya Boitshwaro kapa a hlolehe ho inyalanya le e nngwe ya dipallo tseo.
C.1.5 ba lokela ho sebedisana le diinstitjushene tsa setjhaba tse thehilweng tlasa molao le Molao wa Motheo ho kgothaletsa thahasello ya setjhaba.
C.2.9 o lemoha tokelo ya setjhaba ya ho finyella lesedi, ho sa kenyeletswe lesedi le tshireleditsweng ka ho ikgetha ke molao.
C.4.12 o hlompha ditaba tseo eleng lekunutu, ditokomane le dipuisano, tse lokelang hore di bolokwe e le lekunutu kapa tse reretsweng hore ebe tsa lekunutu kapa sephiri.
C.5.3 ha a sebedise boemo ba hae ba mmuso ho iphumanela dimpho le menyetla eo eleng ya hae nakong ya tshebetso ya hae ya mmuso kapa ha se motho ya amohelang dimpho tsa mofuta ofe kapa ofe kapa melemo nakong ya phethahatso ya mesebetsi ya hae ya mmuso hobane tsena di ka nkuwa e le tjhootjo.
C.5.5 ha se motho ya amohelang ho etsa mosebetsi wa kantle ho dihora tsa hae tsa mosebetsi wa molao o tla mo lefa tjhelete ntle le tumello kapa ya sebedisang theepa ya ofisi.
mosebetsi ya thontshweng?
Rejistara e bolela Rejistara ya Tabatabelo tsa Basebetsi ba Thontshweng tse bolokilweng ho latela molawana wa B?
tabatabelo e ngodisehang rejistareng?
foromo eo ho nehelanweng ka yona ho bolelwa foromo eo mosebetsi ya thontshweng a nehelaneng ka yona bolaoding ba phethahatso bo loketseng ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena, kapa khopi efe kapa efe ya teng?
a Boloka rejistara ka lebaka la Kgaolo ena, e bitswang Rejistara ya Tabatabelo tsa Basebetsi ba Thontshweng, ka sebopeho se ananetsweng ke Khomishene; le b Etsa mesebetsi e meng e tshwanang le e amanang le ho kenya tshebetsong Kgaolo ena ho latela ka moo Khomishene e ka hlokang hore ho etswe ka teng.
C.1 Mosebetsi e mong le e mong ya thontshweng pele ho mohla la 30 Mmesa selemong se seng le se seng, o tla tsebahatsa bolaoding ba phethahatso bo loketseng dintlha tsa ditabatabelo tsa ditjhelete tsa hae tse lokelang ho ngodiswa foromong e behetsweng morero ona ke Khomishene bakeng sa nako e tlohang mohla la 1 Mmesa selemong se ka pele ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele selemong sena.
C.2 Motho ofe kapa ofe e ileng ya eba mosebetsi ya thontsweng ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001, o tla tsebahatsa dintlha tsa hae tse jwalo tse mabapi le nako ya mohla la 1 Mmesa 2000 ho isa ho 31 Tlhakubele 2001, pele ho mohla la 31 Motsheanong 2001.
C.3 Motho e mong le e mong ya amohelang mosebetsi jwalo ka mosebetsi ya thontshweng ka morao ho mohla la 1 Mmesa selemong o tla lokela ho hlahisa tsebahatso e jwalo nakong ya matsatsi a 30 ka morao hoba a amohele mosebetsi mabapi le nako ya dikgwedi tse 12 tse tlang pele a amohela mosebetsi.
a molawana wa C.
b molawana wa C.2 wa Kgaolo ena pele ho mohla la 30 Phupjane 2001; kapa c molawana wa C.3 wa Kgaolo ena pele ho matsatsi a 30 ka morao hoba ho nehelanwe ka yona.
f dimpho le diteboho tse tswang mohloding oo eseng motho wa lelapa la heno; le g thuo le ditabatabelo tse ding tsa mobu le theepa, ho sa tsotelehe hore leruo lena le ka hare ho Riphaboliki kapa kantle ho yona.
i Palo, sebopeho le boleng ba diabo tsa mofuta ofe kapa ofe tse dikhampaning dife kapa dife tsa setjhaba kapa tsa poraefete ha mmoho le lebitso la teng; le ii sebopeho le boleng bofe kapa bofe ba ditabatabelo tsa ditjhelete tse tswang khampaning ya poraefete kapa ya setjhaba kapa karolong efe kapa efe ya kgwebo ha mmoho le lebitso la teng.
i Lebitso, le mofuta wa kgwebo e etswang, ya mofuta wa kgwebo ya koporasi kapa selekane; le ii Haeba ho loketse, tjhelete ya tefo efe kapa efe e amohetswng bakeng sa boeletsi bo jwalo kapa selekane.
lebitso, le mofuta wa kgwebo e etswang le lebitso la ramosebetsi ya etsetswang mosebetsi; le iii boleng ba melemo efe kapa efe e amohetsweng bakeng sa boeletsi bo jwalo kapa tefello ya tshebeletso e itseng.
i Mohlodi le tlhaloso ya tshehetso e otlolohileng ya ditjhelete kapa thuso; le ii boleng ba tshehetso kapa thuso.
tlhaloso le boleng ba mpho e tswang mohloding o le mong eo boleng ba yona kaofela ha mmoho bo fetang boleng ba R350 nakong ya dikgwedi tse 12 tseo ho buuwang ka tsona molawaneng wa C wa kgaolo ena; le iii teboho e rerilweng hore e be molemo oo eleng mpho.
F.1 Ho latela molawana wa F.
c Molaodi Kakaretso: Ofisi ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba; le d Batho ba bang ba tshwanang le ba thontsweng ke bolaodi ba phethahatso kapa modulasetulo wa Khomishene ka morero wa ho kenya tshebetsong ka bokgabane Kgaolo ena.
a mosebetsi ya thontshweng ka lebaka la foromo ya hae eo ho nehelanweng ka yona kapa ka lebaka la ngodiso ya mosebetsi eo rejistareng; kapa b motho e mong ya dumeletsweng hore a kgone ho finyella lesedi lena ho latela molawana wa F.1 wa Kgaolo ena kapa ya fuweng tumello ya ho finyella lesedi lena ho latela molawana wa F.3 wa Kgaolo ena.
F.3 Motho ofe kapa ofe, ntle le motho eo ho buuwang ka yena molawaneng wa F.1 wa Kgaolo ena, a ka fuwa tumello ya ho finyella lesedi le foromong eo ho nehelanweng ka yona kapa rejistara feela ho latela karolo ya 11 ya Molao wa Ntshetsopele ya Tumello ya ho finyella Lesedi wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000).
F.4 Mosebetsi ofe kapa ofe ya tlolang molawana wa F.2 wa Kgaolo ena o molato wa boitshwaro bo fosahetseng.
G.1 Haeba Khomishene e na le maikutlo a hore ditabatabelo tse ngodiswang tsa mosebetsi ya thontshweng tse tsebisitsweng ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena di hohlana le kapa di na le monyetla wa ho hohlana le phethahatso ya mosebetsi ofe kapa ofe wa mmuso wa mosebetsi eo, e tla tiisa lesedi mabapi le tabatabelo mme e rerisane le mosebetsi eo ya amehang.
G.2 Haeba, ka morao ho tiiso e jwalo le ditherisano, Khomeshenara e na le maikutlo a hore ho na le kgohlano kapa ya hore kgohlano e jwalo e ka nna ya eba teng, e tla fetisetsa taba e jwalo bolaoding ba phethahatso bo loketseng.
a ho nka mehato ya kgalemo; kapa b ho nehelana ka monyetla ho mosebetsi ho ikgula kgohlanong ya ditabatabelo e ka etsahalang ka nako e tlang.
a ho bolela hore naa ho na le mehato e ileng ya nkuwa; le b hore haeba mehato e ile ya nkuwa, e fane ka tlhaloso ya mehato eo e ileng ya nkuwa, e be e fane ka mabaka a teng.
a ya hlolehang ho tsebisa ditabatabelo ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena; kapa b eo nakong eo a tsebisang ka ditabatabelo tsa hae ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena, ka boomo a be a nehelana ka dintlha tse fosahetseng, o molato ka boitshwaro bo bobe.
Kgaolo ya 3 jwalo ka ha e nketswe sebaka ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001.
Bolaodi ba phethahatso ka morero wa ho netefatsa hore ho na le taolo e kgabane lefapheng le leng le leng le welang tlasa taolo ya yona, kapa ho phethatsa mesebetsi e ikgethang, bo tla theha dikgeo tsa mosebetsi tsa palo e itseng tsa boemong ba taolo e hodimo. Batho ba keneng dikgeong tseo tsa mosebetsi ba tla laolwa jwalo ka batho ba welang tshebeletsong ya setjhaba ya batho ba mehlodi e haellang ba lokelang hore ba sebedisetswe ditabatabelo tse hlwahlwa tsa tshebeletso ya setjhaba. Dipehelano tsa mosebetsi tsa batho ba keneng dikgeong tsa mosebetsi ona di tla nyallana le maemo a bona jwalo ka batsamaisi ba boemo bo hodimo kapa basebetsi ba ikgethang, ha ka lehlakoreng le leng ditlwaelo tsa mosebetsi tsona e tla ba tse hlokang leeme tse nkellang hloohong tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng. Dikgeong tsena tsa mosebetsi ho tla kenngwa mosebetsing feela moikopedi wa mosebetsi ya hlwahlwa e le ka nnete mme ho tla nkuwa mehato ho boloka le ho ntshetsa pele batho ba jwalo ba kentsweng mosebetsing jwalo ka mohlodi wa kgwebo ya mosebetsi ona.
b ba kgethilweng ho kena Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho tloha mohla la 1Pherekgong 2001 kapa ka morao ho moo ele ha ba le maemong ao ho buuweng ka ona molawaneng wa II B wa Kgaolo ena.
B.2 Palo ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ha mmoho le mesebetsi ya bona e tla behwa ke bolaodi ba phethahatso ho latela ditsela tsa moralo le tlhophiso ya mosebetsi jwalo ka ha ho bontshitswe Karolong ya III le ya IV tsa Kgaolo ya 1.
B.3 Ho hlwauwa ha dikgeo tsa mosebetsi tsa Tshebetso ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla tsepamiswa ho latela mokgwa wa hlahlobo ya mosebetsi o behilweng ke Letona.
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla kgetha ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho sebedisa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka moralo wa tshebetso wa maemo le makgabane a tshwanang.
C.2 Molao, Melawana ena le ditaelo ha mmoho le tsohle tse behilweng ke Letona tlasa Molao le Melawana ena di bopa moralo wa tshebetso wa maemo le makgabane a tshwanang bakeng sa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
C.3 Melawana ena e sebetsa dithong tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, ntle le moo e bang ho bontshitswe ka tsela e nngwe. Haeba ho hlaha kgohlano ya mofuta ofe kapa ofe e nngwe dipakeng tsa dipallo tsa Kgaolo ena le dipallo tsa Kgaolo e nngwe tsa Melawana ena, dipallo tsa Kgaolo ena e tla ba tsona tse hlahellang ka mahetla.
Letona le na le hona ho ka kenyeletsa tsepamiso tse ding kapa kaofela ha tsona, ditaelo, tataiso le dipallo tse amang Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bukeng ya taolo ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
Ho thaothuwa, ho hlwauwa le ho kenngwa mosebetsing ha batho Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho tla tsamaiswa ho latela karolo ya 11 ya Molao ona. Dikgeo tsa mosebetsi ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng di tla tlatswa ho latela tlhodisano e bulehileng. Ho hlwauwa ho tla thehwa haholo bokgoning e le ho matlafatsa boleng ba diqeto tsa ho kenya basebetsi mosebetsing.
B.1 Batho ba sa tswa kgethwa botjha hoba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla ba batho ba nang le mosebetsi wa moshwella kapa mosebetsi o boemong ba motheo o tsitsitseng.
B.2 Moo batho ba kentsweng Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ba leng boemong ba nakwana, sena se tla etsahala bakeng sa nako e tsepamisitsweng kapa bakeng sa morero wa projekte e qoholehileng.
Letona le ka hlahisa ditaelo tsa tsela eo ka yona dikgeo tsa mosebetsi wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e lokelang ho phatlalatswa ka teng le diforomo tsa kopo ya mosebetsi tse lokelang ho sebediswa; le boemo bo lokelang ho fihlellwa ho ka bapatsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bo emetseng batho ba Afrika Borwa ka bobatsi bo boholwanyane, ho kenyeleditswe le botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna ekasitana le boqhwala.
Letona le ka nna la hlahisa ditaelo tsa bokgoni bo batlehang ba tsamaiso le boetapele ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ditsela tsa ho hlwaya ha ho tlatswa dikgeo tsa mesebetsi tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong..
Letona le ka nna la kenya mananeo a ho fumana le ho ntshetsa pele dineo tseo batho ba nang le tsona ka morero wa hore ho tle ho fumanwe monyetla wa ho ba kenya mesebetsing ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
F.1 Motho ya sa tswa kenngwa botjha mosebetsing wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, ntle le hlooho ya lefapha, o tla ba le konteraka ya mosebetsi e thehilweng hodima dipehelano tsa tumellano tse lokodisitsweng Karolong ya 2 kapa ya 3 ya Sehlomathiso sa 2, ho latela ka moo ditaba di ka bang ka teng.
F.2 Konteraka ya Mosebetsi ya hlooho ya lefapha e tla tsamaelana le ditlhoko tse hlohlomisitsweng molawaneng wa VII B.2 wa Kgaolo ya 1.
Tshebetso ya motho ya kentsweng sekgeong sa mosebetsi wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla laolwa ho latela tumellano ya tshebetso. Tumellano e jwalo e tla hokelwa sepheong sa lewa la lefapha mme e tla tsamaelana le dikepele tseo ho fanweng ka tsona Karolong ena.
Sehloohong o tla fihlela tumellano ya tshebetso le bona.
c etsa le hore motho eo setho sena se ikarabellang ho yena a kgone ho mo hlahloba le ho mo fa tshehetso e loketseng.
B.3 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tsa taolo le ntshetsopele ya tshebetso ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
B.4 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tse ka thoko tsa taolo le ntshetsopele ya dihlooho tsa mafapha.
b e nehelane ka dikgothaletso tse hoketsweng mokgweng wa taolo le ntshetsopele ya tshebetso e nepahetseng.
c netefatse hore ho na le moputso o lekanang bakeng sa mosebetsi wa boleng bo lekanang o nyallanang le hlahlobo le boemo ba mosebetsi.
Bolaodi bo ka Sehloohong.
B.1 Letona selemong se seng le se seng le tla tsepamisa dipehelano tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong. Tseo tse tsepamisitsweng di tla qala ho sebetsa ho tloha mohla la 1 Pherekgong selemong se seng le se seng.
B.2 Ditaelo le tsohle tse tsepamisitsweng ke Letona tse mabapi le dipehelano tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, di tla nkella hloohong keletso ya moifo o thehilweng ho latela molawana wa IV C.1.1 wa Kgaolo ena.
B.3 Letona le tla tsebisa seo le rerileng ho se tsepamisa ho latela molawana wa IV B.1 wa Kgaolo ena, ho fumana maikutlo a tswang tshebeletsong ya setjhaba pele di kenngwa tshebetsong.
C.1.1 Letona hang dilemong tse ding le tse ding tse tharo le tla kgetha moifo o tla hlahloba dipehelo tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho eletsa Letona ka mokgwa o loketseng.
C.1.2 Letona le tla tsebisa mabitso a ditho tsa moifo, seo ba balletsweng hore ba se sebetse le nako ya hoba moifong ona Koranteng ya Mmuso.
C.2.1 Moifo o tla botjwa ka palo ya ditho e tla behwa ke Letona.
C.2.2 Batho ba tla kgethwa hore ba kene moifong ona ho latela tsebo ya bona kapa ditabatabelo tseo ba nang le tsona ditabeng tse amanang le mesebetsi ya moifo.
C.2.3 Setho sa moifo se tla sebetsa moifong ona ka boemo ba ho sebetsa nakwana.
C.2.4 Letona le tla thonya setho se seng jwalo ka modulasetulo mme setho se seng sona se tla thonngwa jwalo ka motlatsi wa modulasetulo wa moifo ona.
C.2.5 Ha modulasetulo a le siyo kapa ka mabaka a itseng a sa kgone ho etsa mosebetsi wa bodulasetulo, motlatsi wa modulasetulo o tla tshwara mosebetsi wa bodulasetulo ba moifo nakwana.
C.3.1 Ditho tsa moifo tse kgethilweng ho latela tsebo ya tsona ya ditaba tse amanang le mesebetsi ya moifo di tlameha hore di lefuwe ka lebaka la tsebo eo ya bona le ho ya ka dikepele tse amohetsweng ke Ramatlotlo wa Naha.
C.4.1 Moifo o tla kopana sebakeng le ka nakong tse tla behwa ke modulasetulo wa moifo.
C.4.2 Qeto ya ditho tse ngata tsa moifo tse teng di tla kgona ho etsa qeto ya moifo, mme moo ho ka etsahalang hore divoutu di fumanehe di lekana tabeng efe kapa efe, motho ya tsamaisang kopano e amehang o tla ba le voutu e dihang nyewe hodima voutu eo a ntseng a e na le yona ya ditherisano.
C.5.1 Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso o tla thonya basebetsi bao ho tla hlokeha hore a ba thonye ho etsa mesebetsi e ka hlokehang ya moifo.
C.5.2 Ditshenyehelo tse ka amehang ha ho phethwa kapa ho etswa mesebetsi eo e ka hlahang ya moifo di tla hulwa ditjheleteng tse abetsweng morero o jwalo ke palamente.
Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla tsamaiswa hohle tshebeletsong ya setjhaba ho netefatsa hore ditlhoko tsa tshebetso di a kgotsofatswa le hore bokgoni ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bo sebediswa ka ho phethahala. Bolaodi ba phethahatso bo tla dula bo jarile boikarabelo ba tshebediso le ntshetsopele ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong tlasa taolo ya bona le ho laola tshebetso ya bona, empa Letona le tla thusa bolaodi ba phethahatso boikarabelong boo.
a wa hore setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong se tloswe sekgeong kapa boemong bo itseng ba mosebetsi mme se fuwe mosebetsi o mong kapa se tloswe lefapheng le leng ho iswa lefapheng le leng ho latela karolo ya 14 ya Molao; kapa b wa hore ho tloswa ha setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong kapa hore setho se fuwe mosebetsi o mong ho latela karolo ya 15 ya Molao.
B.2 Sekgeo se teng Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong se lokelang ho tlatswa ka ho tliswa ha setho se seng ho latela karolo ya 14 ya Molao, ha ho hlokehe hore se phatlalatswe ho latela molawana wa VII C.2.3 wa Kgaolo 1.
B.3 Maemo a ikgethang bothong ba setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong a tla nkellwa hloohong pele setho se abelwa mosebetsi o mong kapa se iswa ho tlatsa sekgeo se seng sa mosebetsi ho latela molawana wa V B.1 wa Kgaolo ena.
Letona le tla hlokomela ntshetsopele ya mananeo le ho thusa bolaodi ba phethahatso ho lokisetsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong boikarabelo ba bona. Mananeo a lokelang hore a ntshetswe pele a tla thehwa hodima bokgoni bo hlokehang ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho latela boikarabelo ba hona jwale le ba nakong e tlang.
b hlophisa dithuto tsa thupelo tse tlwaelehileng le ntshetsa pele ya mananeo ho latela ditlhoko tseo tsa thupelo; mme le c dula le tswela pele ho hlahloba dithuto tseo le mananeo mabapi le tshwaneleho ya tsona le boleng ba tsona ba tjhelete.
Letona le ka nna la nehelana ka thuso e jwalo le tataiso ho balaodi ba phethahatso ho latela ka moo le ka fumanang ho hlokeha ka teng ka morero wa ho ntshetsa pele tshebediso e sebetsang hantle le ntshetsopele ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
b di tla beha mohlala bakeng sa bohle ba banyenyane ho bona mosebetsing le ho hlokomela hore ho na le maemo a phahameng a profeshenale le boitshwaro bo botle tswakatswakanong ya bona le batho ba maemong a ofisi ya dipolotiki ha mmoho le setjhaba; le c di tla netefatsa hore nakong eo di etsang mesebetsi ya tsona di fokotsa dikgohlano tsa ditabatabelo le ho beha ka pele ho tsohle ditabatabelo tsa setjhaba.
B.1 Letona ka keletso ya Khomeshenara le ka nna fana ka taelo ya hore ho ntshetswe pele melawana ya boitshwaro le boitshwaro bo botle dithong tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho tlatseletsa Khoutu ya Boitshwaro e lohothwang Kgaolong ya 2 le Moralong wa Tshebetso wa ho beha ditaba tsa ditjhelete Pepeneneng e lohothwang Kgaolong ya 3.
B.2 Letona le ka nehelana ka tataiso le thuso ho Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho ya ka moo le fumanang ho lokela ka teng ho fokotsa dikgohlano tsa ditabatabelo le ho ntshetsa pele boitshwaro ba profeshenale.
Dikamano tsa mosebetsi le ramosebetsi tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla ba tse reretsweng ho tshireletsa ditokelo le ditabatabelo tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka mokgwa o loketseng boemo bo hodimo ba basebetsi bao eleng ditho.
Setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong se tla qoba kgohlano ya ditabatabelo ya mofuta ofe kapa ofe e ka hlahang boemeding ba hae ba ditabatabelo tsa lefapha leo setho se leng ho lona le boemeding ba setho moo eleng setho sa mokgatlo wa basebetsi, ho latela tlhaloso eo ho fanweng ka yona karolong ya 213 ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi. Letona le ka nna la nka mehato ho latela ka moo le fumanang ho hlokeha ka teng ho thusa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho qoba kgohlano e jwalo.
Letona le ka nna la theha mokgatlo wa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa profeshene ya bona.
Letona ho latela Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, le ka nna la fana ka ditaelo tsa ho theha mehato bakeng sa boitshwaro bo fosahetseng le tlhokeho ya bokgoni bakeng sa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
Balaodi ba Phethahatso ba tla tebisa maikutlo tabeng ya ho kgaotswa ha mosebetsi wa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka mokgwa o hlokang leeme bathong ba amehang le ho nkella hloohong ditabatabelo tsa setjhaba. Letona le ka thusa Balaodi ba Phethahatso hore ba kgone ho etsa dintho ka moo ho loketseng ka teng.
Letona le ka fana ka ditaelo le ho nehelana ka tataiso balaoding ba phethahatso mabapi le mehato e lokelang hore e latelwe ha mmoho le menyetla e lokelang hore e lefuwe ditho ha di kgaotsa tshebeletso ya tsona Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
Mafapha a tla laola lesedi la theknoloji ka bokgabane le ka tsela e sebetsang hantle. Motheo wa Batho Pele wa ho etsa hore batho bohle ba finyelle ditshebeletso ka mokgwa o lekanang, keketso ya tlhahiso le ho fokotsa ditshenyehelo, o tla thusa phumanong, taolong le tshebedisong ya lesedi la theknoloji. Lesedi la theknoloji le tla sebediswa jwalo ka tsela ya sesebediswa sa thuso ya tshebeletso ya setjhaba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong mme ha se ntho e ka fumanwang feela ntle le mabaka?
b tlhahiso ya lefapha; le c tshebediso e ntle ya ditshenyehelo tsa lefapha.
Ha tshebeletso ya setjhaba e ntse e ntokisetsa mokgwa wa mmuso wa elektroniki wa nehelano ya ditshebeletso, jwale tshebeletso ya setjhaba e hloka haholo tsela e fapaneng ya tshireletso ya lesedi. Hona ho etsahala ka lebaka la ditshebeletso tsa mmuso tse kopantsweng tse itshetlehileng haholo tshireletsong ya lesedi ya karolo e nngwe le e nngwe letotong la boleng ba mmuso. Dikgoqetsane tsa tshireletso ditshebeletsong tse kopanetsweng tsa mmuso di ka ba le tshusumetso e mpe nehelanong ya ditshebeletso tseo tshebeletso ya setjhaba e nehelanang ka tsona, ka mathata a maholo ho basebedisi ba ditshebeletso tsena. Ke ka hoo boleng ba lewa le ba bohlokwa ba lesedi la tshebeletso ya setjhaba bo lokelang hore bo tshireletswe le ho fuwa kananelo e tshwanetseng ya molao.
B.1 Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha, le tla fana ka Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi (boo mona ho buuwang ka bona ka hore ke MISS) ba tshebeletso ya setjhaba ka sebopeho sa bukana ya tataiso e bitswang Bukana ya Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi.
B.2 Motho e mong le e mong ya sebetsang ka mehlodi ya Tshebeletso ya Setjhaba o tla inyalanya le MISS.
B.3 Hlooho ya lefapha e ka kopa ho fuwa monyetla wa ho se sekehele tsebe pallo tsa MISS. Ho tla nehelanwa ka kopo ho Letona. Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha, le ka nehelana ka kopo bakeng sa mohau oo haeba o nkuwa e le wa bohlokwa bakeng sa tshebetso e ntle ya lefapha le amehang kapa karolo ya teng.
Mang kapa mang ya thontsweng ke Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha kgafekgafetsa o tla netefetsa lefapha le leng le le leng bakeng sa nyalano le MISS.
D.1 Hlooho ya lefapha e tla netefatsa hore ho fadimehetswe tlhokomelo ya tshireletso ya lesedi ka dinako tsohle lefapheng.
D.2 Ha mosebetsi wa lefapha ho etsahala hore a tsebe ka taba ya tlhokeho ya tshebedisano le MISS, o tla tlaleha seo hang hang ho hlooho ya lefapha kapa ho mosebetsi eo hlooho ya lefapha e mo thontseng bakeng sa morero ona.
D.3 Ka dinako tsohle ha ho ba le phetoho le kapa ho tliswa ntlafatso e itseng mokgweng wa Lesedi la Tshebeletso ya Setjhaba, tsela ena e tla netefatswa bakeng sa nyalano le MISS.
b moralo wa ka moo diketsahalo tsa tlhokeho ya boikamanyo di tla lokiswa ka teng le ho thibela diketsahalo tse tshwanang le tseo nakong e tlang; le c pehelo ya bolokolohi bohle boo bo ileng ba dumellwa mabapi le ho fapoha kapa ho se ikamahanye le dipallo tsa boikamanyo tsa molawana wa B.3 Karolong ena le ho fapoha ho ileng ha etswa mabapi le ho ikamanya le Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi MISS ka lebaka la ho kgeloha hoo ho jwalo.
Ho bopa le ho dula o nyalanya ka dinako tsohle bonyane ba maemo a tshebedisano a hlokehang ka lebaka la ho ntshwa tshebetsong ka potlako ha ditheknoloji tsa kgokahano, sebopeho se bitsang haholo sa mekgwa ya dihlahiswa tsa theknoloji ya kgokahano ya lesedi le ditshebeletso ha mmoho le dihlahiswa tse ngata haholo tse sa tsamaelaneng le theknoloji ya dikgokahano thekisong ya dihlahiswa tsena. Haeba tshebedisano ya mofuta ona e sa laolwe ka hloko mabaka ana a ka etsa hore tshebeletso ya setjhaba e qetelle e tsetetse tjhelete dihlahisweng tse seng di tswile tshebetsong, tse jang tjhelete e ngata le dihlahisweng tse sa tsamaelaneng le theknoloji ya kgokahano ya lesedi le ditshebeletso tse sitisang ho fana ka tshebeletso e babatsehang. Boinyalanyo bo tlamang mafapha kaofela le maemo a tshebedisano tshebeletsong ya setjhaba bo a hlokeha bakeng sa ho nehelana ka tshebeletso e hlokang tshitiso le e kopantsweng.
B.1 Letona ka morao hoba le rerisane le Lekgotla la Mmuso la Bahlanka ba Lesedi la Theknoloji (leo mona le bitswang Gito Coucil) le tla fana ka Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (ao mona a bitswang MIOS) a tshebeletso ya setjhaba ka sebopeho sa bukana ya tataiso e bitswang Bukana ya Bonyane ba Maemo a Tshebedisano?
b ho kopanngwa ha lesedi; le c tsela ya ho finyelleha ha lesedi mabapi le ho hadikisa mahlo feela hodimo le ho sheba.
a karolo e nngwe le e nngwe ya mofuta wa lesedi le letjha le ntshetswang pele kapa le fumanwang bakeng sa tshebeletso ya setjhaba kapa ntjhafatso e nngwe le e nngwe le mokgwa ofe kapa ofe wa lesedi le teng tshebeletsong ya setjhaba; le b mokgwa o mong le o mong o setseng oo eleng karolo ya ho fana ka tshebeletso ya elektroniki tshebeletsong ya setjhaba.
C.2 Hlooho ya lefapha e tla kenyeletsa nyalano le Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS) morerong wa projekte ya mehato ya kananelo ya lefapha. Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS) bo tla sebediswa morerong wa projekte e nngwe le e nngwe ya lefapha.
Ka sepheo sa ho kgothaletsa ho Letona hore ho be le maemo a matjha kapa ho fetolwe kapa ho hlakolwe maemo a teng a hona jwale, Lekgotla la Mmuso la Bahlanka ba Lesedi la Theknoloji le tla dula le ntse le lekola kgafetsa jwalo Bonyane ba Maemo a Tshebedisano.
Kgaolo ya 5 jwalo ka ha e kentswe tshebetsong ka Tsebiso ya Mmuso ya R.
Pehelo ya selemo sa ditjhelete se felang mohla la 31 Tlhakubele 2001, eo ho buuwang ka yona molawaneng wa III J.
a Moralo le ho nehelana ka tshebeletso i Ditaelo tsa sehlooho, mesebetsi le maikemisetso a lefapha.
Maemo a tshebeletso a maikemisetso a ka sehloohong le sephetho se fihletsweng ka ho kgotsofatsa maemo.
b Tlhophiso i Sebopeho sa tlhophiso ya lefapha le motheo wa mosebetsi o ananetsweng.
Palo ya basebetsi le dikgeo tsa mosebetsi, ho latela karolo e itseng, boemo bo itseng le sebopeho sa mosebetsi.
Palo ya mosebetsi ya batho ba eketswang motheong wa mosebetsi o ananetsweng.
c Hlahlobo ya mosebetsi i Ka khoutu ya tefo CORE, tshebetso le boemo, palo ya dikgeo tsa mosebetsi tse hlahlobilweng, tseo maemo a tsona a phahamisitsweng le moo maemo a theotsweng.
Palo ya basebetsi ba phahamisitsweng ka lebaka la mesebetsi eo boemo ba yona bo phahamisitsweng, ho latela botjhaba, boemo ba hore mosebetsi ke mosadi kapa ke monna le boemo ba boqhwala.
Palo ya basebetsi bao moputso wa bona o tlolang boemo bo tsepamisitsweng ba hlahlobo ya mosebetsi le mabaka a ho fapoha ho hong le ho hong, ho latela khoutu ya tefo CORE le tshebetso.
d Tefo i Phesente ya ditjhelete tsa ditekanyetso ho tehetswe ka thoko ditefello tse ileng tsa fetisetswa dikarolong tse ding, ditshenyehelo tsa mobu le meaho, ha mmoho le ditefello tse ding tse fapafapaneng tse sebedisitsweng di tswa ditshenyehelong kaofela tsa moifo wa basebetsi, ditshenyehelo tsa tsamaiso le tsa ditshebeletso tsa profeshenale le tse ding tse ikgethang.
Ditshenyehelo tsa moifo wa basebetsi ka kgefutso tsa R20 000, ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna, kgolofalo, CORE le tshebetso.
Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
Tshenyehelo tsa mesebetsi ya ka morao ho dihora tsa mosebetsi, dipoello le menyetla ho latela phesente ya ditshenyehelo kaofela tsa moifo wa tshebetso.
d Tokiso ya diphoso tse entsweng ho latela puso ya nako e fetileng, ho thaothwa, ho phahamiswa mosebetsing le ho kgaotswa ha ditshebeletso i Katleho e fihletsweng ka ho kenya tshebetsong mehato ya lenaneo la tokiso ya tse neng di ile tsa foswa nakong e fetileng ho ya ka molawana wa III D.2 wa Kgaolo ya 1.
Palo ya basebetsi ba ileng ba thaothwa ho latela boemo ba bona le mosebetsi, mme e bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boqhwala.
Palo ya basebetsi ba phahamisitsweng mosebetsing ho latela boemo le tshebetso, mme e bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boqhwala.
Palo ya basebetsi ho latela boemo le tshebetso, bao ditshebeletso tsa bona di ileng tsa kgaotswa, hona ho bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boemo ba boqhwala.
V Palo, mesebetsi le maemo a basebetsi ba tswang kantle ba kentsweng mosebetsing.
f Taolo ya tshebetso le ntshetsopele ya mahlale a tshebetso i Basebetsi ba amohetseng meputso ya tshebetso, mme ba bontshwe ho latela boemo ba mosebetsi, khoutu ya tefo CORE, tshebetso, botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa monna le boemo ba kgolofalo.
Mekololokotwane e behilweng hore e fihlelwe ka thupelo moralong wa thupelo, le katleho e fihletsweng ka mekolokotwane eo e behilweng.
Kabo e entsweng ya thupelo ditekanyetsong tsa lefapha, le tjhelete e sebediseditsweng mokolokotwane o mong le o mong o neng o behilwe hore o fihlellwe, mme tsena di lokela hore di bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna, kgolofalo le tshebetso boemong bo bong le bo bong le ho latela CORE ka nngwe.
Palo, i ya kantle le ii le ya ka hare, le mofuta wa maneneo a thupelo a ileng a kenngwa tshebetsong.
v Palo le sebopeho sa diketsahalo tsa temalo, ho kula le mafu a ileng a hlaha mosebetsing wa mmuso kapa tikolohong ya mosebetsi.
g Palo le mooko wa ditaba tseo ho dumellanweng ha mmoho ka tsona.
h Llifi ya ho kula i Palohare ya matsatsi a llifi ya ho kula a nkilweng ke basebetsi lefapheng, ntlha ena e bontshwe ho latela boemo ba basebetsi le tshebetso ya bona.
Ditjeho kaofela tse akanngwang tsa lefapha ka lebaka la llifi e nkilweng ka mokgwa o tjena.
v Palo ya basebetsi ba ileng ba nka matsatsi a llifi a fetang 15 ka tatellano selemong se tlasa hlahlobo.
h Palo ya basebetsi ba ileng ba lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula.
Ntle le molawana wa VII.
a dikgeo tsohle tsa mosebetsi tse ileng tsa phatlalatswa pele ho la 1 Phupu 1999 mabapi le ho tlatsa dikgeo nakong eo kapa ka morao ho yona, tsela e tla latelwa ke e tsamaelanang le dipallo, ditaeletso le ditlhoko tse loketseng le tse ileng tsa qala ho sebetsa hang hang pele ho moo; le b dikgeo tsa mosebetsi di tla phatlalatswa ho latela Tokomane e potolohang ya Nomoro ya 2/3/1/3/P e ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso: Tshebeletsong ya Setjhaba le Tsamaisong mohla la 24 Tlhakubele 1999, ho fihlela Letona le nehelana ka ditaelo tlasa molawana wa VII C.2.7.
Ntle le molawana wa VII. E wa Kgaolo ya 1, mafapha a tla tswela pele ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele 2001 ho sebedisa foromo ya Z187 bakeng sa morero wa ho fana ka pehelo e ngotsweng ya basebetsi ba ntseng ba le tlasa teko ho ya ka motheo wa kgwedi tse ding le tse ding tse tharo.
Ntle le Karolo ya VIII ya Kgaolo ya 1 le ho latela mokgwa ofe kapa ofe wa ditumellano tse entsweng ha mmoho, mokgwa wa hlahlobo ya moifo wa basebetsi, hlahlobo ya boleng ba mosebetsi bo lokelwang ke ho putswa le diprofaele tsa basebetsi ka bobona, ho kenyeleditswe le meputso ya kananelo ya boleng ha mmoho le meputso ya kananelo ya dikepele tsa meputso e phahameng, ke dintho tse tla dula di sebetsa kaofela ho fihlela mohla la 31 Tshitwe 2000, ntle leha lefapha le ikemiseditse ho kenngwa tshebetsong ha tsena nakong e tlang esale pejana, eo ka yona mokgwa wa taolo ya tshebetso o ka kenngwang tshebetsong nakong efe kapa efe dipakeng tsa mohla la 1 Phupu 1999 le 1 Mmesa 2001.
Ho ya ka tumellano efe kapa efe e etswang ha mmoho, diforomo tsa mmuso tse nnileng tsa sebediswa hang pele ho mohla la 1 Phupu 1999 mabapi le ditaba tsa tshebeletso ya setjhaba tse tsejwang ka sehlongwapele sa Z?
a ha feela tshebediso ya tsona e tsamaelana le dipallo tsa Melawana ena kapa tumellano efe kapa efe e fihllwetsweng ha mmoho; le b le ho fihlela mohla letsatsi le tla tsepamiswa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso. Tsepamiso e jwalo e ka nna ya etswa kgafekgafetsa ho latela foromo efe kapa efe e le nngwe kapa diforomo tse jwalo tse ngata.
Foromo efe kapa efe e lohothwang seratswaneng sa 5 e ka nna ya fetolwa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Seratswana sa 6 jwalo ka ha se fetotswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, oo mona o emetsweng ke...
lebitso ka botlalo la motshwari wa ofisi ya dipolotiki boemong ba Bolaodi ba Phethahatso ba hlalosa potfoliyo eo ka morao ho mona o tla bitswa hore ke Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka hlooho ya lefapha eo mona a bitswang Mosebetsi.
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi, ya dumelang le ho amohela mosebetsi jwalo ka Hlooho ya Lefapha la (lebitso la Ofisi, Lefapha, Karolo ya Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) ho latela karolo ya 12 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao ha ho buuwa ka ona) bakeng sa nako ya dilemo tse ... (eleng dikgwedi tsa khalendara tse) tse qalang ho tloha mohla la ... mme di fele mohla la...
Mosebetsi o tla jara boikarabelo ba taolo e sebetsang hantle le tsamaiso ya (lebitso la Ofisi, Lefapha, Lekala la Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) ka moo ho lohothwang ka teng karolong ya 7 (b) e balwang ha mmoho le karolo ya 7 ya Molao le ka moo ho lokodisitsweng ka teng Tumellanong ya Tshebetso eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa 7.
khiro ya Mosebetsi e itshetlehile tabeng ya?
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi nako ya dikgwedi tse 12, ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Dintlha dife kapa dife tse hlahang konterakeng ena, tse sa etsetswang monyetla ka ho qoholleha mona, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001, (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Seratswana sa 1.25 jwalo ka ha se fetotswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a amohelang mosebetsi jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla o tla lefuwa ka diqonwanwa tse 12 tse lekanang tsa kgwedi e nngwe le e nngwe.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ha Mosebetsi a hlokwa hore a etse mesebetsi hole le ntlokgolo ya hae, o tla tsamaya ka ditefello tsa maeto tsa Ramosebetsi mme o tla lefuwa ditjhelete tsa ditlhapiso bakeng sa bodulo le dijo ho latela dipallo tse laeleditsweng.
Mosebetsi o amohela hore o fumane tsebo e phethahetseng ya dipallo le karolo ya 3B le ya 12 ya Molao.
Ha a fihletse nako e laeleditsweng ya (kapa ka boikgethelo pejana ho moo) dilemo tsa ho beha meja fatshe.
Ha a qetile nako ya hae kapa nako ya ofisi e lelefaditsweng.
Ho beha meja fatshe pele ho nako ha Mosebetsi ha ile a ikopela jwalo.
Tokollo mosebetsing ho latela karolwana efe kapa efe ya karolo ya 17 ya Molao.
Ho tsepamiswa botjha ha nako ya mantlha kapa nako e lelefaditsweng ya Mosebetsi ofising ke Ramosebetsi.
Ho dihela mosebetsing ka boithaopo.
Ho hlokahala (lefu).
Tjhelete ya Penshene le menyetla e lefuwang e meng e hoketsweng ka ho otloloha karolong e qoholotsweng ya Molao o sebediswang, jwalo ka ha o laolwa ke Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi ba Mmuso wa 1996, Melawana e phatlaladitsweng ka tlase ho moo ka moo ho lokelang ka teng ke Hlooho ya Lefapha le ho latela Melawana.
ho tla fanwa ka yona ka lengolo; mme ho tla nehelanwa ka yona mohla letsatsi kapa pele ho letsatsi la qetelo la kgwedi mme e simolle ho sebetsa letsatsing la pele la kgwedi e hlahlamang.
Haeba ho nehelanwe ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ho latela mokgwa o lohothwang temaneng ya 4.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho kopa Mosebetsi ho tswa ofising eo a neng a ntse a tshwere mosebetsi wa yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha leo pele dikgwedi tse tharo tsa tsebiso eo ya ho lesa mosebetsi di fela tseo Mosebetsi a neng a di behile mme mosebetsi a se hlole a tla mosebetsing nakong efe kapa efe ka morao ho moo.
Leha Ramosebetsi a ka ipiletsa dipallong tsa temana ya 4.4, Mosebetsi o tla dula a ntse a na le tokelo tsohle tsa menyetla e fuperweng ke taeletso tse tshwanetseng.
Moo mosebetsi a hlolehileng ho etsa mosebetsi ka tshwanelo kapa moo a ileng a bontsha boitshwaro bo fosahetseng, Ramosebetsi a ka sebetsana le yena ho latela molao o tshwanetseng wa mosebetsi le ho latela taelo efe kapa efe eo Letona le tla fana ka yona.
Ramosebetsi o tla ngolla Mosebetsi ho buisana le yena bonyane dikgweding tse pedi tsa khalendara pele nako ya hae ya mosebetsi e lohothwang temaneng ya 1(pele ho nako) e fela, ho sa natswe hore o hlahisa ntlha ya ho boloka mosebetsi tshebeletsong bakeng sa nako efe kapa efe e lelefaditsweng empa e sa fete dilemo tse hlano (dikgwedi tse 60 tsa khalendara) kapa tjhe. Ha Mosebetsi a se a tsebisitswe ka maikemisetso a jwalo a ho mmoloka tshebeletsong bakeng sa nako e nngwe e lelefaditsweng, Mosebetsi o tla ngolla Ramosebetsi nakong ya kgwedi e le nngwe ya khalendara ho tloha letsatsing la puisano eo, a bolele tsa kamohelo ya hae ya mosebetsi kapa ho se amohele mosebetsi nakong ya bolelele bo bo kaalo.
Ha ho etsahala hore ho fihlelwe tumellano ya hore Mosebetsi o tla boela a kenela Konteraka e nngwe hape ka morao hoba nako ya hae ya Konteraka e fele kapa e phethahale, tshebetso e tswelang pele ya Mosebetsi e tla ananelwa ho latela Konteraka ena e ntjha ya mosebetsi e fihletsweng e le ho qoba ho kgaokgaoha ha mofuta ofe kapa ofe wa tshebetso mme menyetla efe kapa efe e bokeletsweng e mo tshwanetseng kapa pokello e tsamayang ho latela sekgahla sa tswala e tla fetisetswa tumellanong ya Konteraka e ntjha.
Ha ho etsahala hore Ramosebetsi a seke a ntjhafatsa nako ya Konteraka ho fetisa nako eo ho neng ho dumelanwe ka yona sethathong jwalo ka ha ho boletswe Temaneng ya 1 ka hodimo, Mosebetsi o tla lokelwa ke ho fumana penshene le menyetla e meng e hokahaneng ka ho otloloha le karolo e ikgethang ya Molao e sebediswang.
Mosebetsi o itlama ho Ramosebetsi hore?
a haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsing ka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe ho Ramosebetsi e hlalositsweng jwalo ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme b a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo o tla inyalanya le Khoutu e laeleditsweng ya Boitshwaro.
o dumela hore temana ena, ka morao hoba a nkelle hloohong maemo ohle a loketseng, e a utlwahala ebile e a hlokeha bakeng sa tshireletso e nepahetseng ya ditabatabelo tsa Ramosebetsi le Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le hore ha ho ka etsahala hore ka nako efe kapa efe a be le bothata ba ho utlwahala ha temana ena, o tla jara boikarabelo ba ho bontsha hore temana ena ha e utlwahale; mme o amohela hore o kene Konterakeng ka bolokolohi ntle le ho qobellwa ke mang kapa mang mme ha ho na maemo a teng le kapa a neng a le teng le kapa a hore hona jwale kapa nakong efe kapa efe e tlang a bolele hore o ne a le ka mosing ha a tla dumela dipallo tse lokodisitsweng temaneng ena kapa o ne a se boemong bo lekanang le Ramosebetsi ha a tla dumellana le yena ka dipallo tse jwalo tsa mosebetsi.
Nyollo tsa moputso di tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo ya moputso wa Mosebetsi e tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona tlasa meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi. Nyollo ya moputso le bonase ya kheshe di tla thehwa ditsepamisong, ditaelong le tataisong tse tswang ho Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Tumellano ya tshebetso ya selemo eo ho entsweng monyetla wa yona ho latela seratswang sa 7.1 ka hodimo e hokeletsweng selemong se itseng sa ditjhelete, e bontshang ka ho hlaka dikarolo tsa tshebetso kapa ditlhoko kapa dintho tse lokelang ho finyeletswa ke Lefapha mme di lokela hore di kene nakong ya Konteraka ena ya Mosebetsi. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hokeletswe dilemong tsa ditjhelete, di lokela hore di etswe bonyane ka la 30 Mmesa selemong se seng le se seng sa nako ya bolelele ba Konteraka ena. Mosebetsi o lokela hore a kenele tumellano ya hae ya tshebetso ya pele nakong e sa tloleng dikgwedi tse tharo ka morao hoba a simolle ka mosebetsi. Ho latela Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya VII B.2, Ramosebetsi o tla ngodisa dithomo le kapa dikananelo tumellanong ya tshebetso.
Tumellano ya tshebetso e tla lekola botjha haeba nakong efe kapa efe ya nako ya mosebetsi ya tshebetso, mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha e fetohile haholo hona (mohlomong e le ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya taolo kapa ka tsela e nngwe e itseng) hoo dikahare tsa tumellano ena di seng di sa tsamaelane le maemo hantle.
Konteraka e hokeletswe tumellanong ya tshebetso ka ho otloloha eo ho buuwang ka yona ho feta ho 7.1. Ha ho ka etsahala hore Mosebetsi a seke a sebetsa ka mokgwa o kgotsofatsang mabapi le ditlhoko tsa tumellano ya tshebetso, Mosebetsi o amohela hore Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho ya ka mehato e fuperweng molaong o tshwanetseng wa basebetsi le ho ya ka taelo efe kapa efe eo Letona le faneng ka yona.
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Konteraka ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Afrika Borwa.
Mosebetsi o tla ipeha tlasa taolo ya Makgotla a dinyewe a Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
Konteraka e bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ho se na tokiso, phetoho, keketso kapa ho kgeloha ha tokelo efe kapa efe, pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa tshwaetso ntle leha e le ntho e ngotsweng ebile e saenetswe ke baamehi Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng kapa tse nkwang di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Ha ho molao o qobellang dipallo le dipehelano tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang ebile ho fanwe le ka lebaka. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Aterese ya Bodulo...
Aterese ya Poso...
Nomoro ya Thelefekse...
ha feela moamehi a fana ka phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe ba hae, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse kapa eng kapa eng e tlang ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong. Phetoho e jwalo ya aterese e tla sebetsa matsatsing a supileng ka morao hoba ho amohelwe ya phetoho e tliswang atereseng ya bodulo.
ho tla fanwa ka tsona ka mokgwa o ngotsweng; mme di tla fihliswa kapa di romelwe ka poso e rejistarilweng e seng e lefeletswe pele kapa thelefekse e lefeletsweng pele; mme haeba di fihlisitswe, ho tla nkuwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di entsweng hore di finyelle ka lona; kapa haeba di rometswe ka poso e rejistarilweng ebile e lefeletswe pele, di tla nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsing a mararo a tshebetso ao poso e tsamaisitsweng ka ona ntle leha ho ka bontshwa ka mokgwa o mong hore taba eo ha e jwalo; kapa haeba di romeletswe ka thelefekse, di tla nkuwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le latelang letsatsi leo di rometsweng ka lona ka thelefekse ntle leha ho ka bontshwa ka mokgwa o mong hore taba eo ha e jwalo.
Tokomane ena e saennwe ke Ramosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
E saennwe ke Mosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, oo mona o emetsweng ke...
lebitso ka botlalo la Bolaodi ba Phethahatso kapa moemedi wa hae boemong ba hlalosa potfoliyo kapa mosebetsi eo ka morao ho mona a tla bitswa hore ke Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka setho sa SMS boemong ba supa tshebetso ya hao setho seo ka morao ho mona se tla bitswa Mosebetsi.
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi ya dumelang ho amohela mosebetsi jwalo ka setho sa SMS ho latela karolo ya 9 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao) ho tloha letsatsing la mohla la Mosebetsi wa Mosebetsi ha mmoho le dipehelano tsa hae tsa mosebetsi o tla laolwa ke Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001 (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tse amang Mosebetsi.
Seratswana sa 1.1 jwalo ka ha se ile sa fetolwa ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Mosebetsi o tla sebeletsa Ramosebetsi...
khiro ya Mosebetsi e itshetlehile tabeng ya?
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi ya dikgwedi tse 12, ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Mosebetsi a ka hlokwa hore a sebetse mesebetsi efe kapa efe e meng kapa a sebetse dibakeng tse ding tseo ka tsela e utlwahalang tseo Ramosebetsi a tla hloka hore a sebetse ho tsona; le ntlha efe kapa efe e ka hlahang, e sa etsetswang monyetla ka ho ikgetha mona, e tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a qalang ho amohela mosebetsi jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla ya ditlhapiso o tla lefuwa ka diqonwana tse 12 tse lekanang ka kgwedi le kgwedi.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ha a se a fihlile nakong e laeleditsweng ya ho beha meja fatshe (kapa boikgethelong ba pejana ho moo).
Ha Mosebetsi a beha meja fatshe ka boyena pele ho nako ya hae ka lebaka la hobane a ile a ikopela ho etsa jwalo.
Ha a lokollwa ho latela karolo ya 17 ya Molao.
Ha a lesa mosebetsi ka boithaopo.
Ha a hlokahala.
Ha peshene le menyetla e meng ya tefo di hoketswe ka ho otloloha karolong e qaqisitsweng ya Molao e sebedisitsweng, ho ya ka moo e laolwang ke Molao wa Letlole la Mmuso la Dipenshene tsa Basebetsi wa 1996, le melawana e ileng ya hweletswa ka tlase ho moo ka moo e amang ka teng ditho tsa SMS, le Melawana.
Ha ho ka fanwa ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi maemong a lohothwang temaneng ya 3.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho batla hore Mosebetsi a tswe ofising eo a neng a le ho yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha pele nako ya tsebiso ya hae ya ho lesa mosebetsi e fela mme a se hlole a le beha mosebetsing ka letsatsi leo kapa letsatsing lefe kapa lefe ka morao ho moo.
Ha Ramosebetsi a ile a sebedisa dipallo tsa temana ya 3.3, Mosebetsi o ntse a na le tokelo ya ho lefuwa ditshwanelo tsohle tsa hae ho latela ka moo di fuperweng ka teng ke ditaeletso tse loketseng.
Moo Mosebetsi a ileng a hloleha ho sebetsa ka mokgwa o loketseng kapa a ileng a itshwara ka tsela e fosahetseng, Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho latela molao wa mosebetsi kapa taelo efe kapa efe e tswang ho Letona.
nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a sebedisa rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo le e fumanweng ka lebaka la tshebetso ya hae, ka sepheo sa ho hulela Mmuso tsietsing, ntle le haeba e sebedisetswa tshebediso ya tokelo kapa tshireletso ya tokelo efe kapa efe, kapa tebello ya molao, ho latela molao.
c haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsingka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe ho Ramosebetsi e hlalositsweng jwalo ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme d a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo o tla inyalanya le Khoutu e laeleditsweng ya Boitshwaro.
Nyollo tsa moputso di tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo ya moputso wa Mosebetsi e tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona empa e kgohlela hantle ka hare ho meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi.
Tumellano ya tshebetso ya selemo e etseditsweng monyetla ho latela temana ya 5.1 ka hodimo e hokeletsweng selemong se itseng sa ditjhelete, e hlalosang ka ho hlaka dibaka/ditlhoko/le tse lokelang ho etswa ke Lefapha le Mosebetsi di tlameha hore ho dumellanwe ka tsona. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hoketswe dilemong tsa ditjhelete, ho tshwanetse hore ho dumellanwe ka tsona bonyane ka la 30 Mmesa selemo se seng le se seng.
Tumellano ya tshebetso e tla lekolwa botjha haeba nakong efe kapa efe mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha (Yuniti, Bolaodi, Lekala, Karolo) e fetohile haholo hona (ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya bolaodi kapa taolo itseng) hoo dikahare tsa tumellano di seng di sa tsamaelane.
Konteraka ena e hoketswe ka tsela e otlolohileng tumellanong ya tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5.1 kapa ho feta. Ha ho etsahala hore Mosebetsi a seke a sebetsa ka mokgwa o kgotsofatsang mabapi le ditlhoko tsa tumellano ya tshebetso ya hae Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho ya ka mehato e fuperweng ke molao wa basebetsi o tshwanetseng le ditaelo tse ding tse tswang ho Letona.
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Tumellano ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Mosebetsi o tla ipeha tlasa taolo ya Makgotla a dinyewe a Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
Konteraka a bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ha ho tokiso, phetoho, keketso kapa ho fapoha ha tokelo efe kapa efe, pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa ha ba le tshwaetso ntle leha e le se ngotsweng ebile se saenetswe ke baamehi ba Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng kapa tse nkwang di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Ha ho molao o qobellang dipallo le dipehelano tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang ebile ho nehelanwe ka sepheo sa ho etsa jwalo. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Aterese ya Bodulo...
Aterese ya Poso...
Nomoro ya Thelefekse...
ha feela moamehi a fana ka tlaleho ya phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe bo bong ba moamehi, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong. Phetoho e jwalo ya aterese e tla sebetsa matsatsing a supileng ka morao hoba ho amohelwe phetoho e tliswang atereseng ya bodulo.
ho tla fanwa ka tsona ka tsela e ngotsweng; mme di tla finyeletswa kapa di romelwe ka poso kapa thelefekse ya rejistara e lefeletsweng esale pejana; mme haeba di fihliswa, ho nkuwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di fihlisitsweng ka lona; kapa haeba di romelwa ka poso e rejistarilweng pejana, ho nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo; kapa haeba di romelwa ka thelefekse, di nkuwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le hlahlamang letsatsi leo di rometsweng ka lona ka thelefekse ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo.
E saennwe ke Ramosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
E saennwe ke Mosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, mona o emetswe ke...
lebitso ka botlalo la Bolaodi ba Phethahatso kapa ya tshepetsweng ho etsa mosebetsi oo boemong ba supa potfoliyo kapa mosebetsi ka morao ho mona ya tla bitswa Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong boemong ba supa mosebetsi ka morao ho mona ya tla bitswa Mosebetsi.
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi ya dumelang ho amohela mosebetsi jwalo ka setho sa SMS ho latela karolo ya 9 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao) bakeng sa nako ya dilemo tse (dikgwedi tsa khalendara tse ...) ho tloha letsatsing la mohla la ... Mosebetsi wa Mosebetsi ha mmoho le dipehelano tsa hae tsa mosebetsi o tla laolwa ke Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001 (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tse amang Mosebetsi.
Seratswana tsa 1.1 jwalo ka ha se ile sa fetolwa ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.
Mosebetsi o tla sebeletsa Ramosebetsi a le...
ho kenngwa mosebetsing ha Mosebetsi ho itshetlehile tabeng ya?
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi ya dikgwedi tse 12, ntle leha mosebetsi a hirilwe nako e sa feteng dikgwedi tse 12 le ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Mosebetsi a ka hlokwa hore a sebetse mesebetsi efe kapa efe e meng kapa a sebetse dibakeng tse ding tseo ka tsela e utlwahalang Ramosebetsi a tla hloka hore a sebetse ho tsona; le ntlha efe kapa efe e ka hlahang, e sa etsetswang monyetla ka ho ikgetha mona, e tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a kenang mosebetsing jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla ya ditlhapiso o tla lefuwa ka diqonwana tse 12 tse lekanang tsa kgwedi le kgwedi.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ka morao hoba a phethe nako ya hae kapa nako ya ofisi e neng e ekeditswe.
Ka ho lokollwa mosebetsing ho ya ka karolo ya 17 ya Molao.
Ka lebaka la hobane a hlokahetse.
eo ho tla nehelanwa ka yona e ngotswe; le eo ho tla fanwa ka yona pele ho letsatsi la qetelo la kgwedi mme e simolle ho kena tshebetsong letsatsing la pele la kgwedi e hlahlamang.
Ha ho ka fanwa ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi maemong a lohothwang temaneng ya 3.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho batla hore Mosebetsi a tswe ofising eo a neng a le ho yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha pele nako ya tsebiso ya hae ya ho lesa mosebetsi e fela mme a se hlole a beha leoto la hae mosebetsing letsatsing lefe kapa lefe ka morao ho moo.
Ha Ramosebetsi a ka sebedisa dipallo tsa temana ya 3.4, Mosebetsi o tla dula a ntse a na le tokelo ya menyetla kaofela ya ditlhapiso e fuperweng ke ditaeletso tse loketseng.
Moo Mosebetsi a sa sebetsang hantle ebile ho na le boitshwaro bo fosahetseng, Ramosebetsi a ka sebetsana le yena ho ya ka molao wa basebetsi o loketseng le taelo efe kapa efe e tswang ho Letona.
ntle le tumello e tshwanetseng le nakong ya tshebetso ya hae kapa nakong efe kapa efe ka morao ho moo a keke fana ka rekoto efe kapa efe, ho latela ka moo ho hlalositsweng ka teng karolong ya 1 ya Molao wa Kgothaletso ya Phinyello ya Lesedi, wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000), e sa lokelang hore ho fanwe ka yona kapa eo ho ka nnang ha hanwa ka yona ha ho na le kopo ya ho batla ho finyella rekoto ya mokgatlo wa setjhaba ho latela Molao, ho sa tsotelehe hore Molao oo o a sebetsa kapa tjhe nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a sebedisa rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo le e fumanweng ka lebaka la tshebetso ya hae, ka sepheo sa ho hulela Mmuso tsietsing, ntle le haeba e sebedisetswa tshebediso ya tokelo kapa tshireletsong ya tokelo efe kapa efe, kapa tebello ya molao, ho latela molao.
e haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsing ka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo ho Ramosebetsi e ileng ya ba ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme f a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo; mme o tla ikamanya le Khoutu ya Boitshwaro e laeleditsweng.
o dumela hore temana ena, ka morao hoba a nkelle hloohong maemo ohle a loketseng, e a utlwahala ebile e a hlokeha bakeng sa tshireletso e nepahetseng ya ditabatabelo tsa Ramosebetsi le Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le hore ha ho ka etsahala hore ka nako efe kapa efe a be le bothata ba ho utlwahala ha temana ena, o tla jara boikarabelo ba ho bontsha hore temana ena ha e utlwahale; mme o amohela hore o kene Konterakeng ka bolokolohi ntle le ho qobellwa ke mang kapa mang mme ha ho na maemo a teng le kapa a neng a le teng le kapa a hore hona jwale kapa nakong efe kapa efe e tlang a bolele hore o ne a le ka mosing ha a tla dumela dipallo tse lokodisitsweng temaneng ena kapa o ne a se boemong bo lekanang le Ramosebetsi ha a tla dumellana le yena ka dipallo tse jwalo tsa mosebetsi.
Nyollo tsa moputso tse tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo tsa moputso wa Mosebetsi di tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona empa e lokela hore e kgohlela hantle ka hare ho meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi.
Tumellano ya tshebetso ya selemo e etseditsweng monyetla ho latela temana ya 5.
Konteraka ena. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hoketswe dilemong tsa ditjhelete, ho tshwanetse hore ho dumellanwe ka tsona bonyane ka la 30 Mmesa selemong se seng le se seng.
Tumellano ya tshebetso e tla lekolwa botjha haeba nakong efe kapa efe mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha (Yuniti, Bolaodi, Lekala, Karolo) e fetohile haholo hona (ho sa natswe hore ke ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya bolaodi kapa taolo itseng) hoo dikahare tsa tumellano di seng di sa tsamaelane.
Konteraka ena e hoketswe ka tsela e otlolohileng tumellanong ya tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5.1.
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Konteraka ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
Konteraka e bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ha ho tokiso, phetoho, keketso kapa ho fapoha tokelong efe kapa efe, ho pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa di be le tshwaetso ntle leha seo se ngotswe ebile se saenetswe ke baamehi Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng hape ho sa tsotelehe hore di hlahisitswe kapa di nkwa di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Ha ho molao o qobellang wa dipallo le dipehelano dife kapa dife tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o jwalo o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang le ka sepheo seo ho nehelanweng ka sona. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Aterese ya Bodulo...
Aterese ya Poso...
Nomoro ya thelefekse...
ha feela moamehi a fana ka tlaleho ya phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe bo bong ba moamehi, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong.
di tla ntshuwa ka tsela e ngotsweng fatshe; le di tla fihliswa kapa di romelwe ka poso e rejistarilweng le e lefeletsweng pele kapa ka thelefekse; mme haeba di fihliswa, di tla nkwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di fihlisitsweng ka lona; kapa haeba di romelwa ka poso e rejistarilweng le e lefeletsweng pele, di tla nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso a ho poswa ha tsona ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo; kapa haeba di romelwa ka thelefekse, di tla nkwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le hlahlamang letsatsi leo thelefekse e rometsweng ka lona ntle le moo ho ka bontshwang hore ha ho jwalo.
E saenetswe ke Ramosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
E saennwe ke Mosebetsi a le mohla la ... kgweding ya...
b Nyehelo ya Ramosebetsi ya GEPF ya R , e balwang e le diphesente tse ... % tsa moputso wa sehlooho; le c karolo e kgonang ho fetoha le mabaka e kaalo ka R ... , e balwang e le mothamo wa moputso o o kgonang ho fetoha le mabaka o kenyeletsang tsohle ha ho tlositswe moputso wa sehlooho ebile ho tlositswe nyehelo ya Ramosebetsi ya GEPF, mme e ka nna ya botjwa ke Mosebetsi ho ya ka melawana e fuperweng ke bukana ya tataiso ya SMS ya karolo e kgonang ho fetoha le mabaka.
Botho ba Letlole la Penshene la Basebetsi ba Mmuso le a tlama. Sekgahla sa tsela eo ho tla etswa nyehelo ke Mosebetsi le Ramosebetsi ka yona se tla tsamaya ho latela ka moo ho laeleditsweng ka teng.
Mosebetsi o tla sebetsa ka botshepehi le ka mafolofolo bonyane dihora tse 8 ka letsatsi le ho latela dihora tsa tshebetso tsa lefapha.
Dipehelano tse ding tsa mosebetsi di jwalo ka ha di qaqisitswe ke bukana ya tataiso ya SMS.
<fn>sot_Article_National Language Services_MERERO YA PHIHLELLO.txt</fn>
NAFVSA e na le Karolo ya Phihlello, e etsang hore baahi ba Afrika Borwa kaofela ba fumane thepa haholoholo ditjhaba tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng. Letsholong la ho tlabola dilekane tsa tshesefo le di-institjhushene tse ding, e leka ho fihlella baahi ba Afrika Borwa kaofela.
Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo di amana le merero e mengata. Di-institjhushene tsa Thuto di memelwa ho boha difilimi le ho tshohla sehlooho sefe kapa sefe seo ba fumanang ho hlokeha hore ba buisane ka sona. Hona ho etsuwa ka ditherisano le matitjhere le barupedi. Sepheo sa sehlooho sa karolo ya phihlello ke ho isa Baesekopo Bathong moo e tla tswela batho molemo. Hona ho etswa ka tshebedisano le mekgatlo e meng jwalo ka dikolo, di-indasteri tse loketseng, dikereke, mekgatlo ya setjhaba le setjhaba ka kakaretso?
NAFVSA e tobile haholo batho ba phelang dibakeng tseo eseng tsa diteropo ba sa tsebeng hore diakhaeve tsa difilimi ke eng hobane ba na le tokelo ya ho fihlella lesedi lena.
NAFVSA e rerile ho sebedisa Ditsha tsa Setjhaba tsa Bonono, tse hahilweng ke Lefapha la Bonono le Setho ho phethahatsa boikemisetso bona. Diholo tsa dikereke, tsa dikolo le diholo tsa setjhaba le tsona di tla sebediswa.
Re kgothaletsa setjhaba kapa mang kapa mang ya thahasellang lefa la modumo le le bonwang la naha ena, ho ikopanya le rona haeba ba na le dikopo tsa ho sebedisa ditshebeletso tsa NAFVSA.
NAFVSA ebile e na le karolo e sebetsanang le paballo ya kgatiso ya neano ya ditaba tse qoqwang tse tlatsang dikgeo nalaneng ya rona. Ho buisanwa le batho ka dihlooho tse fapaneng tse thehilweng sethong, bononong, nalaneng, le kahong ya setjhaba.
Pokeletso, paballo le ho hasanya Mmino wa Matswallwa a kwano e ntshetswa pele ka Pepeso ya rona e Tsamayang ya Diletsa tsa Mmino wa Matswallwa a kwano.
Diphuputso tse entsweng ka 1956 di ile tsa qetella di fetohile molao o thehang Boto ya Difilimi tsa Naha ka la 1 Mmesa 1964. Mosebetsi wa sehlooho wa Boto ya Difilimi tsa Naha e ne e le ho thusa ntshetsopeleng ya indasteri ya difilimi. Mesebetsi e meng e ne e le ho tsomana le, ho etsa monyetla wa hore ho fihlellwe, ho boloka le ho etsa hore ditlaente di fumane difilimi tse entsweng Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa. Hore ho etswe mesebetsi ena ho ile ha thehwa karolo e tsejwang ka hore ke Institjhushene ya Difilimi tsa Afrika Borwa. Lebitso la karolo ena le ile la qetella le fetoletswe ho Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha.
Mosebetsi o moholo wa Boto ya Difilimi tsa Naha e ne e le ho thusa ntshetsopele ya indasteri ya difilimi. Mesebetsi e meng e ne e le ho tsomana le, ho baballa le ho etsa hore ditlaente di kgone ho fihlella difilimi tsa Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa. Ho ile ha thehwa karolo e tsejwang ka hore ke Institjute ya Afrika Borwa ho etsa mesebetsi ena. Ha morao lebitso la karolo ena le ile la fetolwa ho Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha.
Ka la 31 Tshitwe 1979 mesebetsi ya Boto ya Difilimi tsa Naha e ile ya fediswa. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha ebile yona feela karolo e ileng ya sala, mme ya fetisetswa Lefapheng la Thuto ya Naha. Qetellong karolo ena e ile ya fetoha karolo ya Diakhaeve tsa Mmuso (ha morao ya e ba Diakhaeve tsa Naha) ka 1982, mme haesale ho tloha ka nako eo sebaka sena se sebetsa jwalo ka sebaka sa polokeletso ya direkoto tsa modumo le thepa e bonwang (kapa ditokomane tsa modumo le tse bonwang ho latela lereo le sebediswang Molaong wa Thesemetso ya Molao)?
Molao o motjha wa Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa o ile wa simolla ho sebetsa ka la 1 Pherekgong 1997. O etsa monyetla wa pokelletso, paballo le hore direkoto tsa modumo le tse utluwang di kgone ho fihlellwa ke mekgatlo ya mmuso le ke di-institjhushene tsa praevete ha mmoho le batho. O etsa le hore Diakhaeve tsa Naha, kapa NAFVSA ka ho otloloha, e kope bahlahisi le ba hasanyang ditlhahiso tsa modumo le tse bonwang hore ba nehelane ka dikhopi tsa mosebetsi wa bona e le mpho. Hona ha ho kenyeletse ditlhahiso tse lokelang hore di thesemetswe polokelong ho ya ka Molao wa Thesemetso ya Molao. Thepa ya modumo le e bonwang e ka nna ya fumanwa le ka hore e tloswe mafapheng a mmuso ho leba ho a mang kapa mekgatlong, nyehelo tse sa qobellwang, diphapanyetsano le ditheko. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo di ile tsa fumana botho bo phethahetseng ba Mokgatlo wa Matjhaba wa Diakhaeve tsa Modumo (IASA) ka 1989. Ka 2002 di ile tsa fumana botho bo phethahetseng ba Federeishene ya Matjhaba ya Diakhaeve tsa Difilimi (FIAF).
NAFVSA ke karolo ya Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa tse welang tlasa Lefapha la Bonono le Setho. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo ke yona feela institjhushene ya naha ya mofuta ona Afrika Borwa.
Ho bokella thepa ya modumo le e bonwang (ya setjhaba le eo eseng ya setjhaba) le thepa e amanang le tse ileng tsa etswa Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa.
Ho netefatsa hore ho na le paballo e loketseng ya lefa la modumo le le bonwang la Afrika Borwa.
Ho etsa hore direkoto tse jwalo di fumanehe le ho kgothaletsa hore di sebediswe ke baahi bohle ba Afrika Borwa.
Ho ntshetsa pele tshebedisano dipakeng tsa di-institjhushene tse nang le direkoto tse jwalo.
NAFVSA ke institjhushene ya mmuso e bolokelang meloko e tlang lefa la thepa ya modumo le e bonwang ya naha ena. Dibopeho tse fapaneng tse tshwanang le difilimi, dividiyo, dikgatiso tsa modumo le thepa e tsamaelanang le tsona ke dintho tse ka fumanehang Diakhaeveng tsa difilimi, tsa dividiyo le tsa modumo. NAFVSA e lokela hore e bonwe e le setsha seo eleng mohlodi wa lefa la thepa ya modumo le e bonwang la Afrika Borwa.
NAFVSA e na le phaposi ya moo ho ballwang teng moo bafuputsi ba kgonang ho hloma mekgwa ya thuso e fapafapaneng ha mmoho le sesiu se fupereng lesedi sa khomputara, ntle le tefiso. Ho sheba kapa ho mamela thepa ena, ho hlokeha hore ho etswe peheletso nako esale teng. Ho hlokeha tsebiso ya matsatsi a mararo ho dumella thepa hore e tlwaelehe pele e ka lekolwa kapa ya mamelwa sesebedisweng se loketseng. Thepa e ka fumaneha sebakeng sa NAFVSA ka tefello e behilweng ke Ofisi ya Ramatlotlo. Baithuti ba sebele ka peheletso, ba ka lekola kapa ba mamela thepa ena mahala. Ho hlokeha tumello e ngotsweng ya ditokelo tsa beng ba thepa pele thepa efe kapa efe e ka fumaneha hore e atiswe.
NAFVSA ntle le pokeletso ya thepa ya modumo le e bonwang, e boetse e na le thepa e nngwe e amanang le eo e tshwanang le dislaete, diphoustara, difoto, dingolwa, dintho tse tswang musiamong le laeboraring e sebetsanang le thepa ya modumo le e bonwang.
Laeborari e nang le dibuka tse ka bang 3000 tse akaretsang mahlakore kaofela a lekala la boithabiso, ho tloha mehleng ya pele ya Boto ya Difiliimi tsa Naha e seng e fedisitswe mme jwale ke laeborari ya moo ho fumanwang lesedi la bohlokwa teng ka lebaka la boleng ba bongata ba dibuka tse fumanehang moo. Leha ho le jwalo, dibuka kaofela tse laeboraring ena di ka lekolwa sebakeng sena sa Diakhaeve tsa Difilimi, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo, mme ho ka etswa le dikhopi ka tjheletenyana e seng kaenyana feela.
NAFVSA e na le pokello ya diphoustara tse sa tlwaelehang tse ka bang sekete se le seng, tsa ho tloha mehleng ya De Voortrekkers , eleng filimi ya kgale ka ho fetisisa ho tse teng Afrika Borwa. Diphoustara tse ngata ho tsena ke tsa mofuta o le mong o tshwanang mme di akaretsa mekga yohle ya difilimi tsa kwano. Diakhaeve di hopotse ho etsa hore diphoustara tsena di nkuwe ka mokgwa wa elektroniki ho kena sisiung sa pokeletso ya lesedi moo di kgonang hore di bonwe empa di sa tshwarwe ka matsoho.
Diakhaeve jwalo ka ha di na le pokeletso ya diphoustara di boetse di na le pokeletso ya ditshwantsho tsa di difoto tse amanang le difilimi tse fapafapaneng tsa kwano tse hlahisitsweng naheng ena ho tloha ka selemo sa 1916 di ka fumaneha mona. NAFVSA e na le pokeletso ya dingolwa tsa difilimi tse ka bang 1200 tsa difilimi tse fapafapaneng tsa kwano. Dingolwa tsena ke tsa ditlhahiso tsa pele ho tlhahiso mme ka hoo di fapana haholo le sehlahiswa sa skrining se seng se phethilwe.
NAFVSA e boetse ke bahlokomedi ba pokeletso e kgolo ya direkoto tsa pampiri tsa ditokomane, dikoranta, dikgetjhana tse nkilweng dikoranteng, ditshwantsho, mananeo le dibroutjhara tsa kgale tse mabapi le kalana, mmino, dingolwa le bonono bo bonolo. Boholo ba thepa e sehlopheng sena bo tswa dinyehelong tsa batho ba praevete le institjhushene tse neng di na le tjantjello papading tsa bonono le bononong bo bonolo.
NAFVSA e a ikgetha hobane ke e nngwe ya diakhaeve tse seng kae lefatsheng ka bophara e bolokang difilimi, dividiyo le thepa ya modumo sebakeng se le seng. Ho kgona ho fihlella dipokeletso tsena tse ikgethang tse nang le nalane e bonwang ya Afrika Borwa ebile thuso e kgolo mme e tla dula e le thuso melokong e tlang ya Afrika Borwa. Ba tla kgona ho utlwa le ho bona se etsahetseng ka tsela e bobebe nakong e fetileng mme ba ka kgona le ho lekanya ka moo di-indasteri tsa modumo le thepa e bonwang di tla ba ka teng nakong e tlang.
Ka lebaka la diphetoho tse tlang ka potlako theknolojing e sebedisitsweng, disebedisweng tse ileng tsa sebediswa dilemong tse 20 tse fetileng mehleng ya kajeno e fetilwe ke nako, e ka sebetsa ho fana ka lesedi la motheo, mme ke theknoloji e raosang tjantjello ya histori ya ho bontsha tswelopele ya indasteri ya modumo le dihlahiswa tse bonwang.
<fn>sot_Article_National Language Services_METHEO E AKARETSANG Y.txt</fn>
Ho na le phapang ya bohlokwa mahareng a ho ahlola qabang le ho thusa mahlakore a mabedi ho rarolla qabang.
Ka ho ahlola, motho eo e seng e mong wa ba qabang o etsa qeto ka qabang, mme qeto eo e ka behwa hodima mahlakore ka bobedi.
Moo e leng hore motho eo e seng e mong wa lehlakore a thusa mahlakore ho rarolla qabang re re hona ke poelano.
Moo e leng hore mahlakore a leng qabang a rarolla qabang ya ona ka ntle ho itshunya ha ntshunyekgare, hona e tla ba tsamaiso ya puisano mahareng a mahlakore ka bobedi.
Motho ya etsang qeto ka qabang ke moahlodi.
Baahlodi makgotleng ba fumana matla a ho ahlola ka ho hirwa ho ya ka dipehelo tsa molao.
Ho ka etsahala hape ka mahlakore qabang hore a romele qabang ya ona hore e ahlolwe ke motho eo ba dumellanang ka yena hore a ahlole. Dikonterakeng tse ngata mahlakore a kenyeletsa serapa ho ya ka dipehelo tseo ba dumellanang ka tsona hore qabang efe kapa efe e bang teng pakeng tsa bona e bang teng ka lebaka la konteraka e tla lebiswa ho moahlodi. Moahlodi a ka bitswa kapa serapa se ka fana ka mokgwa wa ho sebetsa wa ho hira moahlodi, ho tea mohlala mmuelli ya hirilweng ke Mokgatlo wa Molao.
Tumello ya ho mamela ho ahlola ha e hlokehe, le ha ho le jwalo, hore e hlalose jwalo. Setjhabaneng se seng kapa lelapeng, ho ka ba le tumellano e amohelwang feela yah ore qabang e tla romelwa hore ho etswe qeto ke hlooho ya setjhabana kapa lelapa hobane ke ona moetlo o tlwaetsweng.
Qabang eo ho entsweng qeto ka yona ke moahlodi ya hirilweng ke mmuso.
Mahlakore ka bobedi ha a na boikgethelo ba hore ke mang ya tla ba moahlodi.
Mokgwa wa ho sebetsa o balletsweng ke melao ya lekgotla, molao kapa moetlo.
Mokgwa wa ho sebetsa o ka ba kgahlanong kapa wa ba wa dipotso.
O ka ba o boima ho mahlakore hore a tswele pele ka ntle ho boemedi ba molao.
Qeto e be ka moo ho tlamehang ka teng ka se etsahetseng pele.
Qeto e tlama mahlakore ka bobedi.
Qeto e tlamang ho ka phethwa ke mohlanka wa mmuso kapa ditsamaiso tsa lenyatso.
Qeto e ka nna ya nkuwa ka boipiletso lekgotleng le phahameng.
Diqeto tsa Lekgotla le Lenyenyane di ka nkuwa ka ho hlahlojwa hape.
Ya lahlehetsweng ka kakaretso o lefa ditshenyehelo a dumellwa ka ho sebedisa babuelli.
Ha ho ditefello tsa lekgotla ka ntle ho setempe sa lekgetho tsamaisong ya pele.
Ela Hloko: Lekgotla le lenyenyane la dinyewe ke le ikgethileng ka hore tsamaiso ya teng ke eo ho botswang dipotso ho lona, mme mahlakore ka bobedi ha a emelwa ke babuelli.
Mahlakore a kgetha moahlodi (monamodi).
Moahlodi e ka ba setsebi mosebetsi wa hae.
Mahlakore ka bobedi a na le boikgethelo bo boholo ka tsamaiso.
Tsamaiso e ka ya kgohlano kapa ya dipotso.
Ho hlokeha ha boemedi ba molao bo tswa ho kgethweng ha tsamaiso.
Moahlodi ha a tlangwa ho hang ke se etsahetseng pele.
Qeto e tlama mahlakore ka bobedi.
Qeto e lokela ho etswa taelo ya lekgotla hore e ka phethwa.
Ha ho na boipiletso lekgotleng a ka dumela ka boipiletso mabapi le ba/moahlodi?
Ho ka etswa qeto ka ho hlahloba hape Lekgotla le Phahameng.
Ya lahlehetsweng ka kakaretso o lefa ditshenyehelo a dumellwa ka ho sebedisa babuelli.
Ditefello tsa ba/moahlodi di lefuwa ke mahlakore ka bobedi.
Mahlakore ka bobedi a rarolla qabang ka boona.
Ha ho na ntshunyekgare e thusang ka tharollo ya qabang.
Tsamaiso e matsohong a mahlakore ka bobedi ka botlalo.
Lehlakore ka leng le ka nna le, empa ha le a tlameha, ho sebedisa baeletsi ba molao.
Sephetho se itshetlehile hodima matla le bokgoni ba mahlakore ka bobedi.
Ha ho na ditshenyehelo tsa molao mabapi le ha o ipatlela moeletsi ka tsa molao ha a ka sebediswa.
Mahlakore ka bobedi a rarolla qabang ka boona.
Motho wa boraro o thusa tharollong ya qabang.
Tsamaiso e laolwa ke monamodi a buisane le mahlakore ka bobedi.
Baeletsi ba molao ba lehlakore ka leng ha ba ke ba kenyeletswa tsamaisong.
Tharollo ya qeto e phethahatswa e le tumellano.
Sephetho se ka nna sa eba sa ho hlola ka mahlakoreng a mabedi.
Mahlakore ka bobedi a lefa ditshenyehelo tsa monamodi, ha eba di teng.
Ena ke tsamaiso eo motho wa boraro, moahlodi a thusang mahlakore ka bobedi ho ba qabang ho rarolla qabang ya bona. Ho ka hlaloswa e le puisano e thusitsweng.
Hantlentle, ha mahlakore a romela qabang hore e ahlolwe, e be ka boithaopo feela, empa molao, moetlo kapa tumellano e ka nna ya batla hore mahlakore a romele qabang ya ona bonamoding.
Hantlentle, bonamodi e tlameha hore e be motho ya tla amohelwa ke mahlakore ka bobedi ba ona, eo e seng setho sa lehlakore lefe kapa lefe kapa qabang efe kapa efe ka tsela e itseng. Monamodi a sebetse ka ntle ho leeme.
Monamodi ha a etsetse mahlakore qeto. Mosebetsi wa monamodi ke ho thusa mahlakore ho rarolla qabang ka boona.
Monamodi o tlameha ho thusa mahlakore ho hlola ka ho lekana ka qabang ya ona e le hore ha ho na lehlakore le hlotsweng. Ena ke taba ya bohlokwa haholo ha mahlakore a tla kapa a ka tswela pele ka ho tlwaelana, hobane ho lehloyo le utluwang ke ya hlotsweng le thibela ho se utlwane.
Ha ho na molao o laolang bonamodi ka kakaretso, empa mefuta e itseng ya bonamodi e ye e etswe hore e be teng ka bongata ke molao, ho tea mohala, diqabang tsa mosebetsi ka Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le diqabang tsa tikoloho mahareng a makala a mmuso ho ya ka Molao wa Taolo wa Tikoloho wa 1998. Ha ho se na molao o jwalo o tobileng taba ena, tsamaiso le ho kgethwa ha monamodi ho matsohong a mahlakore. Tumellano ya ho namola e ka ba teng ha qabang e ba teng mahareng a bona ka mora nako e itseng, ho dumellanwa hore diqabang tse jwalo di tla sebetswa ka bonamodi.
Tumellano ya ho romela qabang bonamoding ha e tlame hore ho ngolwe, empa tumellano e ngotsweng ke ya bohlokwa hobane e thusa ho theha botsitso le ho hlaka ka tsamaiso ya bohle ba kenyang letsoho.
Mosebetsi wa monamodi ho mahlakore ka bobedi ke ho hlokomela hore ho be le sephiri. Ka bomadimabe, molao wa Afrika Borwa ha o so kenyeletse banamodi ka monyetla wa ho ba le matla a ho hana ho hlahisa bopaki lekgotleng tsebo e batlwang ha ho namolwa. Dinyeweng tsa phedisano monyetla o kenyeletsang ka boona dipuisano tsohle tse batlang ho rarolla qabang, di ka sebediswa hape, mme mahlakore a ka tiisa taba ena ka ho bua a dumellana ka hore dipuisano tsohle tseo e leng karolo ya tsamaiso ya bonamodi di dumelletswe. Ditsamaisong tsa bosenyi ho batla monyetla o jwalo ha o na ho atleha ha eba monamodi a ne a ka bitswa hore a fane ka bopaki.
Ka kakaretso, monamodi ha a tlameha, ho ya ka molao, ho ba le mangolo a bonamodi, empa ke taba ya bohlokwa hore monamodi a be le kutlwisiso e felletseng ya ho tseba metheo e busang bonamodi le melawana ya bomorabe e tsamaelanang le taba eo, jwalo ka molawana wa audi alterem partem?
<fn>sot_Article_National Language Services_MMARAKA O HABILWENG.txt</fn>
Dihlahiswa tsa NEF di reretswe ho tshehetsa Molao wa 53 wa 2003 wa Matlafatso e batsi ya moruo (BEE), Lewa la BEE le Batsi la Mmuso wa Afrika Borwa le dikarete tsa sephetho tse amehang. Karolo ya Merero ya Sehlopha le Kgwebo ya NEF e reretswe ho tshehetsa lehlakore la bahwebi ba boemo bo bonyenyane le bo mahareng le ho kgothaletsa ntshetsopele ya kgwebo. Ho feta moo, le ho fana ka tjhelete ho thusa ntshetsopeleng ya setjhaba le mererong ya projeke tsa dibakeng tseo eseng tsa diteropo (dibaka tsa mahaeng). Hape ho feta moo e batla ho ntshetsa pele tlwaelo ya ho tsetela tjhelete le dipolokelo Bathong ba neng ba ntse behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka mananeo a fapafapaneng.
Ho tshehetsa pele BEE ho fihlella mmaraka wa tjhelete haholo ho ?
Lebaka la Tshehetso ya Mohwebi ke ho kgothaletsa tlwaelo ya bohwebi Bathong ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ho thusa kgolong ya dikgwebo tsa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng le ho etsa monyetla wa phetoho kgwebong tseo eseng tsa Batho ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (non-HDP-owned) le kgwebong tse tsamaiswang.
Lebaka la Matsete a Thekiso a BEE ke ho kgothaletsa tlwaelo ya ho boloka le ho tsetela. Mananeo a Matsete a Thekiso a BEE a tla fuputsa menyetla e loketseng ya ho fumana tjhelete dikhampaning tse hlahang lenaneng la JSE le ho rekisetsa Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka theolelo. Sena se tla etswa ka ho tlabola selekane le dikhampani tse hlwailweng le dihlopha tsa BEE tse loketseng, mme ke ntho e tla nyehela mekolokotwaneng ya dikarete tsa sephetho tsa dikhampani tsa BEE le ho thusa ho tiisa selekane sena sa BEE.
Sepheo sa Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le Setjhaba ke ho ntlafatsa monyetla wa ho fihlella matlotlo le tshebeletso tsa tshehetso ya kgwebo bakeng sa batho ba kojwana di mahetleng le ba tjametsweng ke bohloki setjhabeng sa rona. Maikutlo a tsepamisitswe tshehetsong ya setjhaba le ntshetsopeleng ya merero ya projeke tsa dibakeng tsa mahaeng, haholo tse kenyeletsang dihlopha tsa basadi, batjha le batho ba holofetseng. Tsena di tla tiisa hore ho na le phetoho ya sebele metsong kapa tlasetlase dibakeng tseo esale di le ka mosing ka nako e fetileng le tse neng di qheletswe ka thoko moruong.
Tshehetso ya Mohwebi e tla thusa Batho bao esale ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP). Batho bao esale ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ba hlaloswa e le batho ba ileng ba sotleha ka lebaka la kgethollo e leeme le e hlokang toka ka lebala la botjhaba ba bona tlasa kgethollo ya apartheid, mme ka kakaretso ke polelo e hlalosang Batho ba Batsho ba Afrika Borwa (Ma-Afrika, Makhalate le Ma-India)?
Tshehetso ya Mohwebi e tla fana ka tshehetso dikgwebong tse nang le Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) monyetla wa thuo le tsamaiso ya kgwebo. Batho ba etsang dikopo ba lokela ho bontsha seabo sa bona sa nnete moo ho etswang diqeto boemong ba lekgotla, ba phethahatso, ba tsamaiso le boemong ba tshebetso.
Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing ba lokela ho utlwisisa hore ba kena moo ho leng thata e le kannete hore ba tle ba kotule ditholwana tsa mosebetsi wa bona. Ka mantswe a mang, bophelo ba batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng bo lokela ho itshetleha katlehong ya kgwebo ena. Bahwebi ba lokela ho bontsha le dinyehelo kgwebong, e ka ba tsa tjhelete kapa tsa sebopeho se seng.
Tshehetso ya Mohwebi e ka tshehetsa kgwebo tseo hona jwale eseng tsa batho ba batsho kapa hona ho tsamaiswa ke batho ba batsho, ha feela ho na le moralo o qaqileng wa ho netefatsa hore batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ba tla ba le monyetla wa thuo kapa ba tla kena tsamaisong ya kgwebo tse jwalo ka morao ho nako e itseng. Moralo ona o lokela ho kenyeletsa tsela ya ho lekanya mekolokotwane ya khampani ya phetoho, ntshetsopele ya mahlale le ho a fetisa, ha mmoho le ho thehwa ha menyetla e metjha ya mesebetsi.
Tshehetso ya Mohwebi e tla hloma ka pele bahwebi le dikgwebo tse kgonang ho bontsha hore dikgwebo tsa bona di tla tshwarella nako e telele. Ba lokela hore ba bontshe hore kgwebo e ka kgona ho phela le ho atleha ho fihlela ntlheng ya ho lefa molato ofe kapa ofe o ileng wa ba teng tsamaisong e tlwaelehileng ya kgwebo ena.
Tshehetso ya Mohwebi e tla tshehetsa feela bahwebi le dikgwebo tse inyalanyang le melao ya Afrika Borwa. Kgwebo tse sebetsang ntle le dilaesense le boingodiso, kapa tse tlolang molao ofe kapa ofe, di keke tsa fumana tshehetso.
Matsete a sebedisetswa haholo ho tshehetsa ka tjhelete katoloso, ka ho kolletsa kapa ka sebopeho.
Matsete a BEE a thekiso e reretswe ho kgothaletsa tlwaelo ya dipoloko le hore ho be le tjhelete bathong ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP).
Ka ho fumana menyetla e loketseng ya matsete a tjhelete le ho e hlophisa ha mmoho le mananeo a thuto. Matsete a BEE a Thekiso a reretswe ho bopa tlwaelo ya poloko ya tjhelete le hore batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ba iketsetse matsete.
A tla thusa hore batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ba kene ka mokgwa o batsi ho feta thuong ya kgwebo ho la Afrika Borwa.
Matsete a BEE a Thekiso a tla rala le ho hlophisa dihlahiswa tsa matsete ho fokotsa ditefello tsa kgwebo, mme tsona di tla nonoswa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka theolelo.
Ka lenaneo la selekane le tshebedisano le dihlopha tsa BEE, ho tla fumanwa seabo sa tjhelete sa bohlokwa dikhampaning tse hlwauweng tse ka rekisetswang batho bana ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (HDP) eleng ntho e tla tswala matlafatso e batsi ya moruo.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e thusa ditjhaba ho fumana diabo (tjhelete) mererong ya projeke tse kenyang tjhelete tse tla kgannela tabeng ya ho phahamisa maemo a bophelo dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong e fetileng moruong.
Mekgatlo e thehilweng setjhabeng le dihlopha e tshwanetswe ke ho fumana tshehetso.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e tla behella ka pele merero ya diprojeke tse nang le melemo ya ho phahamisa setjhaba haholo. Mona ho ka kenyeletswa le ho thehwa ha menyetla e metjha ya mesebetsi dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong e fetileng moruong.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e tla tsetela feela mererong ya diprojeke tseo ho tsona ho nang le morero wa projeke e ka sehlohong le moo beng ba matsete ba bang ha mmoho le beng ba matlotlo ba bang ba fanang ka tshehetso. Letlole le tla fella feela karolong ya matsete a setjhaba morerong wa projeke eo.
Merero ya diprojeke e lokela hore e etswe ha mmoho le molekane ya ananelwang ke NEF.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e keke ya thusa ka tjhelete ya mofuta ofe kapa ofe moo taba ya ho fana ka matlo e leng sepheo sa morero wa projeke.
Thuso efe kapa efe e hloka mohlodi wa tjhelete ya thuso ho sa tsotelehe hore ke kgwebo e ntjha, kgwebo e hodiswang kapa kgwebo e ntseng e le teng e hlokang ho fetolwa thuong ya yona. Mohato wa pele ka hoo ke ho tsepamisa hore ke thuso e kae ya tjhelete e hlokehang. Haeba tlhoko ke ho reka kgwebo hang hang kapa ho fumana seabo kgwebong, ho hlokeha tjhelete e kae Haeba lebaka ke ho thusa ka tjhelete ya ho atolosa kgwebo ho hlokeha tjhelete e kae Haeba morero ke ho qala kgwebo?
Botsa potso: Naa taba ya ho tsetela kgwebong ena e nyalana le mokgwa o tshwanetseng?
Lenaneo la Tshehetso ya Mohwebi la NEF le na le mokgwa o boima o loketseng ho kgotsofatswa pele. Netefatsa hore wena le moifo wa hao wa tshebetso le tshwanelwa ke ho thuswa ho latela mokgwa wa Tshehetso ya Mohwebi e qaqisitsweng bukaneng ena. Ha o sa tshwanelwa ke ho fuwa thuso.
Botsa potso: Naa taba ya ho tsetela kgwebong ena e nyalana le mokgwa wa ditlhoko se tshwanetseng sa Tshehetso ya Mohwebi?
Ipapise le ho utlwisisa Dihlahiswa tsa Mohwebi: Mohlahisi, Mopotlakisi le Mofetodi. Hlahloba hore ke dihlahiswa dife tse loketseng ho latela boholo ba kgwebo eo o e rerileng, mofuta wa kgwebo le tlhoko tse ding tse loketseng. Haeba kgwebo eo o e hopotseng e sa wele kahare ho meedi e behilweng O SEKE WA ETSA KOPO?
Re dumela hore mokgwa o motle wa ho qala ke ho tshwara ditherisano pele le ho kopa mohwebi hore a nehelane ka kakaretso e kgutshwanyane ya kgwebo ya hae, ha mmoho le lesedi le hlokehang la molao le la boikamahanyo. Mona ho kenyeleditswe lesedi la kgwebo, beng ba kgwebo, boetapele le tsamaiso. Ka bomadimabe dikopo tse sa tlatswang ka ho phethahala di keke tsa fetiswa, ka hoo o kgothaletswa ho netefatsa hore kopo ya hao e tlatsitswe ka mokgwa o phethahetseng. Ka bomadimabe re keke kena dipuisanong dife kapa dife le wena ho fihlela o nehelane ka lesedi lena. Re hlahloba kopo e nngwe le e nngwe mme o tla fuwa karabelo.
Nehelana ka kopo e batsi ya kopo ya thuso ya tjhelete.
Haeba kopo ya hao e kgotsofatsa ditlhoko tsa bohlokwa tsa ho thuswa ka tjhelete ebile le kgwebo e nyalana le mekgahlelo e fapafapaneng ya dihlahiswa, re tla etsa tlhatlhobo ya selelekela ya monyetla o teng ho latela lesedi le amohetsweng. Haeba re nahana hore monyetla o a utlwahala mme o na le kgohedi e ntle ya hore o tshehetswe ka tjhelete, re tla o mema hore o nehelane ka tlhahiso ya Kopo e Batsi. Tlhahiso ena hantlentle ke Moralo wa Kgwebo o phethahetseng o sebedisetswang ho hlahloba monyetla ka botebo bo boholwanyane. Sena se boetse se o qobella ho nehelana ka moralo o batsi eleng tshebetso ya bohlokwa ka dinako tsohle kgwebong e nngwe le e nngwe.
Mohlanka wa phethahatso wa kgwebo o tla bala kopo ya hao e batsi ya thuso ya tjhelete mme a ikopanye le wena ho o botsa dipotso tse itseng le ho kopa lesedi le leng le hlokehang. Ka morao ho moo re tla hlophisa kopano.
<fn>sot_Article_National Language Services_MMINO 1.txt</fn>
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MMINO 2.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOIFO WA BOELETSI (1).txt</fn>
Ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2000 Komiti ya Tataiso ya Tshebetso e ile ya phetha mosebetsi wa yona mme ka kgwedi ya Mphalane ho ile ha nehelanwa ka pehelo ya ditaba tsa yona ho Lekgotla la PANSALB (Lekgotla la Dipuo tsa Afrika Borwa) . Pehelo e ile ya amohelwa mme PANSALB le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba (TPS) di ile tsa etsa tshisinyo e kopanetsweng e lebang ho Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji ho tswela pele ka tshebetso ena. Letona Ben Ngubane karabelong ya hae o ile a thonya Moifo wa Boeletsi wa Theknoloji tsa Puo ya Batho (TPB) mme a o fa mosebetsi wa hore ba fumana mathata a phethahatso le ditshenyehelo tsa ho ntshetsa pele Theknoloji tsa Puo ya Batho (TPB) Afrika Borwa.
teko e bontshang phetoho ya ho theha sesiu bokgoni ba Theknoloji tsa Puo ya Batho (TPB) le ho phethisa theknoloji ka morero wa ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata ekasitana le ho thakgola ka pejana ntshetsopele ya dipuo tsa kwano tse behilweng ka mosing.?
Ponelopele e kgolo ya Moifo wa Boeletsi ke ho etsa motheo o tla ikgona wa ntshetsopele ya Theknoloji tsa Puo ya Batho Afrika Borwa e tla dumella tswelopele ya puo e tshwanetseng le tshebediso ya theknoloji ya puo dipuong tsohle tsa mmuso molemong wa?
i ho kgotsofatsa ditlhoko tsa baahi maemong a fapaneng a ntshetsopele ya Setjhaba se nang le Tsebo e tla iponahatsa dikarolong tse tshwanang le e-governance, e-learning, e-commerce, jwalo jwalo le ii ho fedisa sekgeo sa dipalo tsa dijithale le ho boloka naha e le sehlohlolong sa ditaba tsa tswelopele e akaretsang lefatshe lekaleng la Theknoloji tsa Tsebo le Dikgokahano.
Moifo o lakatsa ho etsa motheo o ka bang le seabo sa bohlokwa tabeng ya ho fumana dintlha tsa bohlokwa tse lokelang hore di potlakelwe le ho etsa hore ho be le tshebetso e bang teng ho fihlella dintlha tsena tsa bohlokwa.
i Mmuso wa Naha hobane e le baboloki ba dipuo tsa mmuso, ha mmoho le mebuso ya diprovense ekasitana le mebuso ya selehae le mekgatlo e tshehetswang ke mmuso jwalo ka basebedisi ba qetelo ba dihlahiswa tse motjhineng tsa dipuo tse ngata ba habileng hore ba fuwe tshebeletso e ntlafetseng.
Barutehi le mekgatlo ya boemedi e bokellang letlole bo ikarabellang diphuputsong, ntshetsopeleng le ho theha mehlodi ya bokgoni ba tshebetso lekaleng la Theknoloji tsa Puo ya Batho.
Moifo o na le kgopolo ya hore ho qetellwe ho ntsheditswe pele indastri ya Theknoloji tsa Puo ya Batho Afrika Borwa e tshwanang le Yuropo e sebedisang dipuo tse ngata e teng hona jwale, empa e hlophisitswe le ho etswa hore e nyalane le ditlhoko tsa selehae. Moifo o lokela ho nehelana ka pehelo ka Phato selemong sa 2002.
Moifo o dula o kopana kgafetsa mme o tla ikopanya le bathahaselli ba seng ba hlwauwe ha nako e ntse e tsamaya. Motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello mona a ka ikopanya le Mohokahanyi neng kapa neng hore a fumanne lesedi le leng le fetang mona.
Ho rerilwe hore ho tshwarwe wekeshopo e ikgethang ha Motsheanong e hlola matsatsi a 22 selemong sa 2002 Pretoria. Dula o fadimehile hore o tle o fumane dintlha tsa pitso ena.
Ho ile ha nehelwanwa ka pehelo a ditaba Lekgotleng la PANSALB mohla la 15 Hlakola selemong sa 2002. Pehelo ena ya ditaba e nehelana ka mohlala wa seabo se lohothwang sa Diyuniti tsa Setjhaba tsa Leksikhokrafi bakeng sa ntshetsopele ya Theknoloji tsa Puo ya Batho ho la Afrika Borwa.
Ho tla amohelwa dinyehelo tse tswang ho motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello ditabeng tsena.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOIFO WA BOELETSI THE.txt</fn>
Ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2000 Komiti ya Tataiso ya Tshebetso e ile ya phetha mosebetsi wa yona mme ka kgwedi ya Mphalane ho ile ha nehelanwa ka pehelo ya ditaba tsa yona ho Lekgotla la PANSALB. Pehelo e ile ya amohelwa mme PANSALB le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba (NSL) di ile tsa etsa tshisinyo e kopanetsweng e lebang ho Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji ho tswela pele ka tshebetso ena. Letona Ben Ngubane karabelong ya hae o ile a thonya Moifo wa Boeletsi wa Theknoloji tsa Puo ya Batho (HLT) mme a o fa mosebetsi wa hore ba fumana mathata a phethahatso le ditshenyehelo tsa ho ntshetsa pele Theknoloji tsa Puo ya Batho (HLT) Afrika Borwa.
le ho phethisa theknoloji ka morero wa ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata ekasitana le ho thakgola ka pejana ntshetsopele ya dipuo tsa kwano tse behilweng ka mosing.?
Ponelopele e kgolo ya Moifo wa Boeletsi ke ho etsa motheo o tla ikgona wa ntshetsopele ya HLT Afrika Borwa e tla e tla dumella tswelopele ya puo e tshwanetseng le tshebediso ya theknoloji ya puo dipuong tsohle tsa mmuso molemong wa?
i ho kgotsofatsa ditlhoko tsa baahi maemong a fapaneng a ntshetsopele ya Setjhaba se nang le Tsebo e tla iponahatsa dikarolong tse tshwanang le e-governance, e-learning, e-commerce, jwalo jwalo le ii ho fedisa sekgeo sa dipalo tsa dijithale le ho boloka naha e le sehlohlolong sa ditaba tsa tswelopele e akaretsang lefatshe lekaleng la Theknoloji tsa Tsebo le Dikgokahano.
Moifo o lakatsa ho etsa motheo ka bang le seabo sa bohlokwa tabeng ya ho fumana dintlha tsa bohlokwa tse lokelang hore di potlakelwe le ho etsa hore ho be le tshebetso e bang teng ho fihlella dntlha tsena tsa bohlokwa.
i Mmuso wa Naha hobane e le baboloki ba dipuo tsa mmuso, ha mmoho le mebuso ya diprovense ekasitana le mebuso ya selehae le mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala jwalo ka basebedisi ba qetelo ba dihlahiswa tse motjhineng tsa dipuo tse ngata ba habileng hore ba fuwe tshebeletso e ntlafetseng.
Dirutehi le mekgatlo ya boemedi e bokellang letlole ba ikarabellang diphuputsong, ntshetsopeleng le ho theha mehlodi ya bokgoni ba tshebetsolekaleng la Theknoloji tsa Puo ya Batho.
Moifo o na le kgopolo ya hore ho qetellwe ho ntsheditswe pele indastri ya HLT Afrika Borwa e tshwanang le Yuropo e sebedisang dipuo tse ngata e teng hona jwale, empa e hlophisitswe le ho etswa hore e nyalane le ditlhoko tsa selehae. Moifo o lokela ho nehelana ka pehelo ka Phato selemong sa 2002.
Moifo o dula o kopana kgafetsa mme o tla ikopanya le batho ba bohlokwa ba ka bang le seabo ba seng ba fumanwe ha noka ya nako e ntse e shesha. Motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello mona a ka ikopanya le Mohokanyi neng kapa neng hore a fumanne lesedi le leng le fetang mona.
Ho rerilwe hore ho tshwarwe wekshopo e ikgethang ha Motsheanong e hlola matsatsi a 22 selemong sa 2002 Pretoria. Dula o fadimehile hore o tle o fumane dintlha tsa pitso ena.
Ho ile ha nehelwanwa ka pehelo a ditaba Lekgotleng la PANSALB mohla la 15 Hlakola selemong sa 2002. Pehelo ena ya ditaba e nehelana ka mohlala wa seabo se lohothwang sa Diyuniti tsa Setjhaba tsa Leksikhokrafi bakeng sa ntshetsopele ya Theknoloji tsa Puo ya Batho ho l a Afrika Borwa.
Ho tla amohelwa dinyehelo tse tswang ho motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello ditabeng tsena.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOKGWA WA HO THIBELA.txt</fn>
Ayodine ke minerale e hlokwang ke mmele wa motho bakeng sa kgolo ya boko, bophelo bo botle le kgolo ya bana. Ha motho a sa fumane ayodine e lekaneng, motho eo a ka ba le maemo a fapafapaneng a kelello le mmele a bitswang mahloko a kgaello ya ayodine (Iodine Deficiency Disorders - IDD).
Bana ha ba hole ka ho phethahala. Ba atisa ho ba bakgutshwanyane ho feta bana bao e leng dithaka tsa bona ba fumanang ayodine e lekaneng.
Bana ba ba le mathata a ho ithuta mme ha ba sebetse hantle sekolong.
Batho ba kgathala ha bonolo.
Bana ba hlaha ba le banyenyane.
Masea a ba le temalo bokong.
Ho tswa ha mpa ka tlhaho ho jwalo ka ho hlaha ha ngwana a se a kgathetse mmoho le ho senyehelwa ke mpa.
Batho ba ka ba le koitara. Koitara ke thuruho molaleng. Sena se bontsha hore mmele o na le kgaello e mpe haholo ya ayodine.
Motho ofe kapa ofe ya sa fumaneng ayodine e lekaneng a ka kenwa ke mahloko a kgaello ya ayodine.
O ja dijo tse se nang ayodine e lekaneng.
Dijo tse jetsweng mobung le/kapa metsing a nang le ayodine e nyenyane, ka tlwaelo di ba le tekanyetso e tlase ya ayodine. Dikarolong tse ngata tsa lefatshe, ho kenyeletswa le Afrika Borwa, ayodine e mobung e se e fedile ka lebaka la kgoholeho ya mobu kapa merwallo.
Ho sebedisa letswai le nang le ayodine. Lona le a fumaneha bongateng ba mabenkele a rekisang kerosari. Letswai le tshwanetse ho ba le mantswe ana iodated salt pakaneng?
Ho ja dijo tsa lewatle tse jwalo ka tlhapi ya metsi a letswai, ha ho kgoneha.
Ho na le molao mona Afrika Borwa o bolelang hore letswai lohle la dijo tsa tafoleng le rekisetswang setjhaba le tshwanetse ho ba le ayodine.
Sekotwana feela se ka tshwarwang ka menwana sa letswai la tafoleng letsatsi ka leng se lekane ho ka thibela mahloko a kgaello ya ayodine.
Ha ho hlokehe hore mang kapa mang a je letswai le eketsehileng le nang le ayodine. Ho ja ditekanyetso tse kgolo tsa letswai le nang le ayodine ha ho na ho etsa hore motho a be bohlale kapa a hole a be molelele. Hantlentle, letswai le lengata ho feta tekano le ka eketsa kgatello ya madi mme sena se kotsi haholo.
Letswai le nang le ayodine le shebahala le ho latsweha hantle fela jwalo ka letswai le se nang ayodine.
EE, letswai le nang le ayodine le bolokehile. Bahlahisi ba letswai ba kenya ayodine e nyenyane haholo letswaing, mme yona ke e lekaneng bakeng sa ditlhoko tsa mmele. Hape letswai le nang le ayodine ha le na kotsi bakeng sa batho ba seng ba fumana ayodine e lekaneng mehloding ya dijo tsa tlhaho.
Boloka letswai la hao le nang le ayodine setshelong se ommeng se nang le sekwahelo se kwalehang ka thata kapa le kwalle mokotlaneng wa polasetiki, hobane ayodine e moyafala ha bonolo.
Tshela feela sekotwana se ka tshwarwang ka menwana dijong ha dijo di se di tlo butswa ka ho phethahala, hobane karolo e itseng ya ayodine e qetwa ke motjheso ka nako ya ho pheha.
Ke batho ba mmalwa haholo bao mmele ya bona e sa utlwaneng kapa e utlwelang ho ayodine. Leha ho le jwalo, ba ka kopa dikhemisi tse haufi hore di ba etsetse otara ya letswai le se nang ayodine.
Ke hwa bohlokwa ho thibela mahloko a kgaello ya ayodine ka lebaka la sephetho se sengata se sebe kelellong le mmeleng sa bohloko bona.
Motho e mong le e mong o hloka mefutafuta ya dijo le sekotwana se ka tshwarwang ka menwana sa letswai le nang le ayodine letsatsi ka leng bakeng sa bophelo bo botle le kgolo ya kelello le mmele e betere ho feta.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO O QOTSITSWENG M.txt</fn>
Ka kopano ho bolelwa Kopano ya Dinaha tsa Afrika e thehilweng ka molao o tswang molaong wa motheo.
Kopano ya Dinaha tsa Afrika e thehwa ka dipehelo tsa molao o qotsitsweng molaong wa motheo.
Sebedisana le dinaha tse ding tsa matjhaba tseo e leng ditho e le ho fedisa mahloko a ka thibelwang esita le ho ntshetsa pele bophelo bo botle ka hara kontinente.
Nyediso le ho hana diphetoho tsa mmuso tse sa yeng ka molao wa motheo.
Ditsha tsa Ditjhelete.
Tse ding tsa ditho tseo Seboka se ka rerang ho di theha.
Seboka se tla thehwa ka Dihlooho tsa Puso le Mmuso kapa baemedi ba kgethilweng ka molao.
Seboka e tla ba setho se phahameng ka ho fetisisa sa Kopano.
Seboka se ta kopana bonyane hang ka selemo ka kopano e tlwaelehileng. Ka lebaka la kopo ya mmuso o le mong oo e leng setho sa Kopano le ka tumello ya bongata ba pedi-borarong ba mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano, Seboka se tla kopana ka tsela ya kopano e sa tlwaelehang.
Ofisi ya Modulasetulo wa Seboka e tla sebetsa nako ya selemo. Modulasetulo e tla ba Hlooho ya Puso kapa Mmuso mme a kgethilwe ka ditherisano pakeng tsa Ditho tsa Kopano.
Diqeto tsa Seboka di tla nkuwa ka hore ditho tsohle di dumellane. Haeba sena se sa fihlellwe, qeto e tla nkuwa ho latela palo ya bongata ba pedi-borarong ya mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano. Le ha ho le jwalo, ditaba tsa tsamaiso tse kenyeletsang ntlha ya hore na taba e tsamaisitswe ka molao kapa tjhe, e tla ba qeto ya bongata bo ka fumanehang ka bobebe.
Palo ya bongata ba pedi-borarong ya mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano e tla etsa lenane le lokelang ho ba teng la ditho pele kopano ya seboka e ka qala. Sena se tla etsahala kopanong e nngwe le e nngwe.
Ho amohela Modulasetulo wa Khomishene esita le batlatsi ba hae esita le Bakomishenara ba Khomishene le ho laola mesebetsi ya bona le nako ya tshebetso ya bona.
Seboka se ka nna sa abela setho sefe kapa sefe sa Kopano matla a sona kapa e meng ya mesebetsi ya sona.
Lekgotla la Phethahatso le tla ba le ditho tse thehilweng ka Matona a Ditaba tsa ka ntle kapa Matona a mang a kgethilweng ke Mebuso ya Ditho tsa Kopano.
Lekgotla lena la phethahatso le tla kopana bonyane habedi ka selemo ka dikopano tse tlwaelehileng. Le tla kopana hape ka dikopano tse sa tlwaelehang ka kopo ya se seng sa Ditho tsa Kopano le ka kamohelo ya palo ya bobedi-borarong ya ditho tsohle tsa Kopano.
Diqeto tsa Lekgotla la Phethahatso di tla nkuwa ka hore ditho tsohle di dumellane. Haeba sena se sa fihlellwe, qeto e tla nkuwa ho latela palo ya bongata ba pedi-borarong ya mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano. Le ha ho le jwalo, ditaba tsa tsamaiso tse kenyeletsang ntlha ya hore na taba e tsamaisitswe ka molaokapa tjhe, e tla ba qeto ya bongata bo ka fumanehang ka bobebe.
Palo ya bongata ba pedi-borarong ya mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano e tla etsa lenane le lokelang ho ba teng la ditho pele kopano ya seboka e ka qala. Sena se tla etsahala kopanong e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Phethahatso.
Theho ya tsela ya phano ya dikgau tsa Maafrika, dimedale le meputso.
Lekgotla la Phethahatso le tla ikarabella ho Seboka. E tla sebetsana le ditaba tse lebisitsweng ho yona mme e laole tshebediso ya maano a thehilweng ke Seboka.
Lekgotla la Phethahatso le ka aba e meng ya mesebetsi e boletsweng serapeng sa pele sa Temana ena ho Dikomiti tse Ikgethang tsa Setekgenikitse thehilweng ho latela Temana ya Leshome le metso e mene ya molao ona o tswang molaong wa motheo.
Komiti ya Thuto, Meetlo le Basebetsi.
Haeba ho hlokeha, Seboka se tla fetola dikomiti tse ntseng di sebetsa kapa se thehe dikomiti tse ding tse ntjha.
Dikomiti tse Ikgethang tsa Setekgeniki di tla kenyeletsa Matona kapa bahlanka ba phahameng ba ikarabellang mekgeng e welang mahlakoreng ao ba nang le bokgoni ho ona.
Phetha mesebetsi efe kapa efe eo e e abetsweng ka lebaka la ho etsa bonnete ba hore ho phethahatswa dipehelo tsa molao ona o tswang molaong wa motheo.
Ho latela ditaelo tsa Lekgotla la Phethahatso, Komiti e nngwe le e nngwe e tla kopana ka makgetlo a hlokehang mme e tla hlophisa melao ya yona ya tshebetso mme ebe e e lebisa ho Lekgotla la Phethatatso e le hore e amohelwe.
E le ho hlokomela hore baahi bohle ba Afrika ba be le seabo se tletseng mabapi le ntshetsopele le kopanelo ya moruo wa kontinente, Palamente ya Mohopolo wa Maafrika e tla thehwa.
Palo ya ditho, matla, mesebetsi le tlhophiso ya Palamente ya Mohopolo wa Maafrika e tla hlaloswa ho latela tatelano ya maemo a amanngwang le yona.
Melao, palo ya ditho le mesebetsi ya Lekgotla lena la toka e tla hlaloswa ka ho latela tatelano ya maemo a basebetsi.
Banka ya Matsete ya Afrika.
Ho tla thehwa Khomishene ya Kopano e tla ba Bongodi ba Kopano.
Khomshene e tla ba le Modulasetulo, batlatsi le Bakomishenara. Bona ba tla thuswa ke basebetsi ba bang bakeng sa ho phethahatsa tshebetso e ntle ya Khomishene.
Sebopeho, mesebetsi le melawana ya Khomishene e tla behwa ke Seboka.
Ho tla thehwa Komiti ya Baemedi ya nako tsohle. E tla thehwa ka Baemedi ba nako tsohle ba Kopano esita le batho ba nang le bokgoni mme e le Ditho tsa Kopano.
Komiti ya Baemedi ya nako tsohle e tla ba le boikarabelo ba ho hlophisa mosebetsi wa Lekgotla la Phethahatso esita le ho sebetsa ka ho latela ditaelo tsa Lekgotla la Phethahatso. Eka theha dikomiti tse nyenyane kapa dihlotshwana tsa tshebetso haeba ho hlokeha jwalo.
Lekgotla la Moruo, Kahisano le Meetlo e tla ba karolo ya boeletsi e theilweng ka dihlopha tse fapaneng tsa kahisano le seporofeshenale tsa Mebuso eo e leng Ditho tsa Kopano.
Mesebetsi, matla palo ya ditho le tlhophiso ya Lekgotla la Moruo, Kahisano le Meetlo di tla laolwa ke Seboka.
Seboka se tla laola dikotlo-qobello tse lokelang ho fuwa mmuso oo e leng setho sa Kopano ka ho etsa phoso ka ho se lefe ka tshwanelo dinyehelo tsa ona tsa bajete ya Kopano ka tsela ena e latelang: ho hana ho bua dikopanong, ho vouta, ho hlahisa baemedi bakeng sa maemo kapa mesebetsi e itseng ka hare ho Kopano kapa ho fola molemo ho mesebetsi e itseng.
Ho feta mona, mmuso ofe kapa ofe oo e leng Setho sa Kopano se hlolehang ho phethahatsa diqeto le maano a Kopano e ka nna ya fumantshwa dikotloqobello tse ding hape tse kang ho hanelwa ka dipalangwang le dikgokahanyo le Ditho tse ding tsa Kopano le mehato e meng ya sepolotiki le moruo e leng tse laolwang ke Seboka.
Ntlokgolo ya Mokgatlo wa Kopano e tla ba Addis Ababa mane Rephaboliking ya Bofederale ya Demokerasi ya Ethiopia.
Ho ka nna ha thehwa tse ding tsa diofisi tsa Mokgatlo wa Kopano tse kang Seboka ka kgothaletso ya Lekgotla la Phethahatso.
Dipuo tse sebediswang ke Mokgatlo wa Kopano le ditsha tsohle tsa yona e tla ba dipuo tsa Maafrika, Searaba, Senyesemane, Sefora le Sepotoketsi.
Lekgotla la dinyewe le tla emisa ka ditlhalosetso tse tswang tshebedisong ya molao ona o tswang molaong wa motheo. Ho latela ho thehwa ha Seboka, ditaba tsa mofuta ona di tla lebiswa ho Seboka sa Kopano seo sona se tlang ho etsa qeto ka ho latela bongata ba pedi-borarong.
Molao ona o tla kgona ho saenelwa, ho lokiswa le ho amohelwa ke Mebuso eo e leng ditho tsa Mokgatlo wa Kopano wa Dinaha tsa Afrika ho latela tsela ya tsona ya tshebetso ho latela molao wa motheo.
Disebediswa tsa di tla sebediswa ka taelo ya Mongodikakaretso wa Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika.
Mmuso ofe kapa ofe oo e leng Setho sa Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika o nang le tokelo ya ho sebedisa molao ona o tswang molaong wa motheo o tla sebedisa molao ona ka tumello ya Modulasetulo wa Khomishene.
Molao ona o tswang molaong wa motheo o tla qala ho sebediswa ka matsatsi a mashome a mararo kamora ke palo ya pedi-borarong ya mebuso eo e leng Ditho tsa Mokgatlo wa Kopano wa Dinaha tsa Afrika.
Puso efe kapa efe ya naha ya Afrika e na le hona hore ka nako efe kapa efe kamora tshebediso ya molao ona, e tseb ise Modulasetulo wa Khomishene ka boikemisetso ba yona ho ikobela molao ona le ho amohelwa e le setho sa Kopano.
Modulasetulo wa Khomishene o tla tsebisa mebuso yohle eo e leng ditho hang kamora hoba a amohele tsebiso e jwalo. Kamohelo e tla etswa ke palo efe kapa efe ya mebuso eo e leng ditho tsa Kopano. Qeto e nngwe le e nngwe ya setho se seng le se seng sa Kopano e tla lebiswa ho Modulasetulo wa Khomishene mme yena o tla tsebisa mmuso o amehang hang ha a se a fumane palo e lebeletsweng ya divoutu.
Mebuso e tla tswela pele ka ntle ho molao wa motheo ha e na dumellwa ho ba le seabo mesebetsing ya Kopano.
Mmuso ofe kapa ofe o batlang ho fedisa botho ba ona o tla romela lengolo ho Modulasetulo wa Khomishene mme yena o tla tsebisa ditho tse ding ka taba ena. Qetellong ya nako e ka etsang selemo kamora tsebiso ena, haeba tsebiso e sa hulwe, Molao ona o ke ke wa hlola o sebetsa mmusong ona mme mmuso ona o ke ke wa hlola e ba setho sa Mokgatlo wa Kopano.
Ka nako e ka etsang selemo se le senge boletsweng serapeng sa pele sa temana ena, mmuso ofe kapa ofe oo e leng setho mme o batla ho ikgula jwalo ka setho sa Mokgatlo wa Kopano, o tla lebellwa ho phethahatsa ditshwanelo tsa ona tse bolelwang ke molao ona ho fihlela letsatsi leo o itokollang ka lona le fihla.
Mmuso ofe kapa ofe oo e leng setho sa Mokgatlo wa Kopano se na le hona ho fana ka tlhahiso mabapi le dihlomathiso kapa phetolo ya molao.
Ditshisinyo tsa dihlomathiso kapa phetolo di tla romelwa ho Modulasetulo wa Khomishene mme yena o tla fetisetsa taba tsena ho mebuso e meng eo e leng ditho ka nako e ka bang matsatsi a mashome a mararo.
Seboka se tla hlahloba ditshisinyo tsena ho latela dikeletso tsa Lekgotla la Phethahatso nakong ya selemo kamora hoba mebuso eo e leng ditho e tsebiswe ho latela dipehelo tse boletsweng serapeng sa bobedi sa temana ena.
Dihlomathiso le diphetolo di tla amohelwa ke Seboka ka tsela ya hore bohle ba dumellane kapa haeba ho se jwalo ka bongata ba pedi-borarong mme ebe di lebiswa ho ditho ho a hlahlojwa ho latela tsamaiso e theilweng molaong wa motheo. Di tla qala ho sebetsa ka mora matsatsi a mashome a mararo kamora hlahlobo ya Modulasetulo wa Khomishene le ka bongata ba pedi-borarong ba mebuso eo e leng ditho tsa Kopano.
Molao ona o qotsitsweng molaong wa motheo o tla sebetsa sebakeng sa Lengolo la tumello la Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika. Le ha ho le jwalo, Lengolo la tumello le tla dula le ntse le sebetsa nakong ya selemo ya diphetoho kapa nako efe kapa efe e ka behwang ke Seboka ho latela nako ya ho qala tshebetso ya molao ona o qotsitsweng molaong wa motheo e le hore Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika o tle o tsebe ho nka dikgato tse tshwanelehang ho amohela maruo ohle a lokelang Kopano esita le tsohle tse amanang le ona.
Dipehelo tsa molao ona o qotsitsweng molaong wa motheo di tla sebediswa kgahlano le dipehelo tse fetofetohang kapa di okamele dipehelo tsena tsa Selekane se thehang Setjhaba sa Moruo sa Maafrika.
Ha molao ona o se o sebetsa, ho tla etswa tsohle tse tshwanelehang ho hlokomela hore ho latelwe dipehelo tsa ona le ho theha makala kapa ditho tse tla laolwa ke molao ona ho latela ditaelo kapa diqeto tse tla nkuwa ke Mekga nakong ena ya diphetoho e boletsweng mona ka hodimo.
Ho latela metheo ya Khomishene, Bongodi ba Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika e tla ba bona bongodi ba nakwana ba Kopano.
Molao ona o hlahisitsweng ka dingolwa tsa dipuo tse nne, e leng Searaba, Senyesemane, Sefora le Sepotoketsi mme dipuo tsena tse nne e le tsa sethatho, o tla ngodiswa ke Bongodikakaretso ba Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika mme kamora hore molao ona o qale ho sebetsa, Modulasetulo wa Khomishene o tla ntsha lengolo la bopaki le netefaditsweng mme le romelwe ho mmuso o mong le o mong o ngodisitsweng. Bongodikakaretso ba Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika le Mongodi wa Khomishene o tla tsebisa mebuso yohle e ngodisitsweng ka matsatsi a hlahlobo le kamohelo mme etlare ha molao ona o qala ho sebetsa, tsena tsohle di tla amohelwa ke Bongodi ba Dinaha tse Kopaneng.
KA BOPAKI BO FELETSENG, RE amohela Molao ona.
E phethahaditswe mane Lome, Thoko (Togo) ka letsatsi la 11 Phupu 2000.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA BOIKGETHELO.txt</fn>
Mpa wa 1996 Molao wa No.
Shejulung e le seo ho tla ntshuwa mpa ho sona ho ya ka Molao.
phaposi ya ho buela?
Mpa wa 1996 Molao wa No.
i ho fihlellwa ha motheo wa mokgwa o bolokehileng wa ho lahlwa ha dikgwerekgwere; le j mekgwa ya ho buisana ka founu.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA BOLAODI BA B.txt</fn>
No. YA 58 YA 1995: MOLAO WA BOLAODI BA BOIPHIHLELO WA AFRIKA BORWA WA 1995.
Ho nehelana ka ntshetsopele le tshebediso ya Moralo wa Boiphihlelo wa Naha, mme mabapi le maikemisetso ana e le ho theha Bolaodi ba Boiphihlelo b Afrika Borwa ; le ho fana ka ditaba tse tsamaelanang le wona.
vi. "profeshene ya ho ruta e hlophisitsweng" ho bolelwa mokgatlo kapa yuniono eo e leng setho sa Lekgotla la Dikamano tsa Mesebetsi la Thuto le thehilweng ho ya ka Molao wa Dikamano tsa Mesebetsi wa Thuto, wa 1993 molao wa No.
x. "maemo" ho bolelwa dipolelo tse ngodisitsweng tsa thuto e labalabelwang le diphetho tsa thupelo le mokgwa wa ho hlahloba o tsamaelanang le ona.
d. potlakisa ho kotelwa ha mehleng e fetileng ka kgethollo e neng e sa loka thutong, thupelong le ho fumana mesebetsi; mme ebe ka mokgwa oo e. ho ba le kabelo ntshetsopeleng ya botho bo felletseng ba moithuti e mong le e mong le ntshetsopele ya phedisano le moruo wa setjhaba kaofela.
Mona ho thehwa sebopeho se tla nkuwa jwalo ka motho ka ho ya ka molao se bitswang Bolaodi ba Boiphihlelo ba Afrika Borwa.
Bolaodi bo tla ba le modulasetulo ya tla kgethwa ho ya ka karolwana ya , ditho tse tla kgethwa ho ya ka dikarolwana le , le mohlanka wa phethahatso ya tla kgethwa ho ya ka karolwana ya.
Letona le tla kgetha motho ya nang le boiphihlelo le bokgeleke ditabeng tse tsamaelanang le mesebetsi ya Bolaodi , hore e be modulasetulo wa Bolaodi.
g. setho se le seng se thontsweng ke Komiti ya Dihlooho tsa Diyunivesiti e thehilweng ke karolo ya 6 ya molao wa Diyunivesiti, wa 1955 Molao wa No.
h. setho se le seng se thontsweng ke Komiti ya Dihlooho tsa Dithekenikono e thehilweng ke karolo ya 2 ya Molao wa Dithekenikono, wa 1993 Molao wa No.
r. ho se be le ditho tse fetang tse pedi tse hoketsweng ke Bolaodi ho ya ka moo a ratang ka teng , mme tsa kopelwa ho Letona hore di kgethwe.
Mabapi le ho batla dithonyo jwalo ka ha ho nahannwe karolwaneng ya 3, Letona le tla tsebisa Koranteng ya Mmuso ka maikemisetso a hae a ho kgetha Bolaodi, mme o tla kopa motho ofe kapa ofe, kapa mokgatlo ofe kapa ofe mafapheng a hlalositsweng karolwaneng ya 3 ho fana ka mabitso a batho bao, ka lebaka la boiphihlelo ba bona le bokgeleke ditabeng tse tsamaelanang le mesebetsi ya Bolaodi, e ka nna ya eba bakgethwa ba loketseng ho ka kgethwa e le ditho tsa Bolaodi, mme ha ho fanwa ka mabitso a bakgethwa ho nahanwe le ka mokgwa wa boemedi ba bohle.
Mabapi le dithonyo tse nahannweng temaneng ya n ya karolwana ya 3, mokgatlo kapa yuniono e thonye motho a le mong feela.
Setho sefe kapa sefe sa Bolaodi ka ntle ho mohlanka wa phethahatso, o tla ba ofising nakong e ke keng ya feta dilemo tse tharo, ho ya ka moo Letona le tla nahanang ka teng nakong ya ho kgethwa ha hae, mme setho se ka kgethwa ho ba ofising nakong e nngwe hape ha nako ya hae ya pele e fela.
Letona, ha le tlatsa sekgeo sefe kapa sefe, le tla nahana ka dipehelo tsa karolwana ya 3.
Ditho tse nahannweng karolwaneng ya 2 le 3, ka tumello ya Letona, di tla kgetha motho ya nang le bokgoni hore e be mohlanka wa phethahatso ho ya ka mabaka a mosebetsi a tla behwa ke Bolaodi ka tumello ya Letona, mme ho dumellanwa le Letona la tsa Ditjhelete.
mehato ya ho netefatsa hore ho sebetswe ho ya ka moo ho balletsweng ka teng ho ya ka diphelo tsa ho fana ka dintlha; le iv.
c. eletsa Letona ka ditaba tse amanang le ngodiso ya maemo le boiphihlelo; le d. ba le boikarabelo ba ho laola ditjhelete tsa Bolaodi.
b. ho ya ka mekgwa e fapaneng ya bokgoni ya Palamente le makgotla a etsang molao a provense ho ya ka karolo ya 126 ya Molao wa Motheo, le ditokelo, matla le mesebetsi ya mekgatlo e busang ya yunivesiti kapa diyunivesiti le thekenikono kapa dithekenikono jwalo ka ha ho ngotswe Molaong ofe kapa ofe wa Palamente.
b. hlokomela bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi; mme c. o tla sebetsa ka ditjhelete tseo Bolaodi bo di amohelang, ho lefa, thepa e ka tsamaiswang ke Bolaodi.
Mohlanka wa phethahatso o tla thuswa mosebetsing wa hae ho ya ka karolwana ya ke bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi jwalo ka mohlanka wa phethahatso a lebelletswe ho fihlella sepheo sena.
Matla a Bolaodi a. Bolaodi bo ka theha dikomiti le ho kgetha batho bao e seng ditho tsa Bolaodi hore ba be dikomiting tseo.
b. Bolaodi bo tla kgetha modulasetulo wa komiti e nngwe le e nngwe.
c. Bolaodi bo ka qhala kapa ba theha komiti hape.
d. Bolaodi bo ka nna ba sebedisa matla afe kapa afe a bona, ka ntle ho matla a hlalositsweng karolong ena, ho komiti efe kapa efe ya bona, empa bo ke ke ba nehelana ka matla ao e a filweng, mme bo ka nna ba hula matla ao neng kapa neng feela.
e. Bolaodi bo ka fetola kapa ho beha ka thoko qeto efe kapa efe ya komiti eo.
Bolaodi bo ka rarolla mathata a tsamaelanang le ho phethahala ha mesebetsi e hlalositsweng karolong ya 5.
Bolaodi bo ka amohela kapa ba nehelana ka leruo la bona.
Bolaodi bo ka baka hore ho be le phuputso eo e e nahanang hore e tlamehile ho etswa ho phetha mesebetsi ya bona.
Bolaodi bo ka nna ba phetha mosebetsi ofe kapa ofe oo Letona le ka dumellang hore o etswe e le o loketseng Moralo wa Boiphihlelo wa Naha.
Dikopano tsa Bolaodi kapa tsa komiti di tla tshwarwa nakong eo le sebakeng seo modulasetulo wa Bolaodi kapa wa komiti , ho ya ka maemo a ditaba, a tla inahanelang tsona.
Bolaodi bo ka balla melao e tsamaelanang le ditsamaiso dikopanong tsa bona kapa dikopanong tsa komiti, ho kenyeletswa palo e loketseng ho tswela pele ka kopano ya ditho tse teng mabapi le dikopano tse jwalo.
d. ha se ka kopa ho tlohela marapo ka ho ngolla Letona; kapa e. ha ka nako eo se dutseng tsa maratswana a ka fumanwa se le molato , mme a ahlolelwa tjhankaneng ho se na hore se ka lefa.
d.dimpho le diphehiso kapa ditjhelete tse fumanwang ke Bolaodi ka ho phatlalatsa ho hong ho rekiswang; le e.phaello ya matsete.
Bolaodi bo tla sebedisa ditjhelete tsa bona ho fokotsa ditshenyehelo ho ya ka mosebettsi wa bona.
a Bolaodi ka nako e nngwe le e nngwe ya selemo sa ditjhelete, ka nako eo le ka mokgwa oo Letona le ka e lekanyetsang , bo tla romela setatemente sa tekanyetso ya kuno le ditshenyehelo tsa selemo se latelang ho Letona hore a se amohele.
b ditjhelete tse lekanyeditsweng karolwaneng ya 1a di tla sebediswa ho ya ka setatemente se amohetsweng se hlalositsweng temaneng ya a, mme ditjhelete tse setseng tse sa sebediswang di tla fetisisetswa e le tjhelete e teng ya selemo se latelang sa ditjhelete.
Ho latela dipehelo tsa karolwana ya 3b, Bolaodi bo ka tsetela karolo efe kapa efe ya ditjhelete tsa bona ka mokgwa oo Letona, le dumellane le Letona la tsa Ditjhelete, le tla dumelang ka teng.
a. ho fana ka ngodiso efe kapa efe le kamohelo; le b. mesebetsi efe kapa efe e entsweng ke Bolaodi.
Bolaodi, ho latela maemo a mosebetsi a lekanyeditsweng ke Bolaodi ka tumello ya Letona le tumellano le Letona la tsa Ditjhelete, bo ka kgetha bahlanka le basebeletsi jwalo ka ha Bolaodi bo ikgethela hore mesebetsi ya bona e tle e phethahale ho ya ka Molao.
a. maeto, diphomosetso le menyetla ya ditjhete e meng; athe b. tabeng ya modulasetulo Bolaodi, Letona ka tumellano le Letona la ditjhelete a ka lefa modulasetulo ka ho mo ekeletsa tefello jwalo ka ha ho lekanyeditswe.
Dibuka le disetatemente tsa ditjhelete tsa Bolaodi di tla hlahlojwa mafelong a selemo se seng le se seng sa ditjhelete ke Mohlahlobikakaretso.
Bolaodi bo ke ke ba fetisa nako ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete se seng le se seng ho romela ho Letona pehelo jwalo ka ha Letona le ka lekanyetsa ka mosebetsi wa lona nakong ya selemo sa ditjhelete, ho kenyeletswa le tokomane ya tjhelete e hlahlobuweng e setseng ya kuno le ditshenyehelo.
Letona o tla tekela dikgatiso tsa pehelo, ho kenyeletswa le tokomane ya ditjhelete tse setseng le setatemente sa kuno le ditshenyehelo tse hlalositsweng karolwaneng ya 2, Palamenteng matsatsing a 14 ka mora ho amohelwa ha yona ha eba Palamente e kopane ho ya ka tlwaelo, kapa, ha eba Palamente e sa kopana ho ya ka tlwaelo, matsatsing a 14 ka mora hore e qale ka kopano ya yona e tlwaelehileng e latelang.
b. tjhelete e lefuwang Bolaodi ho latela ditaba tse hlalositsweng karolong ya 10 (a) le (b); le c. taba efe kapa efe eo molawana wa yona e leng wa bohlokwa ho fana ka thuso dipehelong tsa Molao ona.
Lekala lefe kapa lefe le thehilweng ka molao le phethang mesebetsi e tshwanang le ya Bolaodi jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 5, le tla tswela pele ho phetha mesebetsi eo ho fihlela mokgatlo le be le fediswe kapa mesebetsi ya lona e fetolwe ka molao.
Ha ho lekala lefe kapa lefe le hlalositsweng karolwaneng ya 1 le tla fediswang kapa mesebetsi ya lekala le jwalo e fetolwe ho fihlela Bolaodi le lekala mmoho ba hlahlobile se ka etsahalang jwalo ka ho fediswa kapa ho fetolwa le ho sebediswa ha Moralo wa Boiphihlelo wa Naha, mme ho etswa dikgothaletso ho Letona.
Molao ona o tla bitswa Molao wa Boiphihlelowa Afrika Borwa wa 1995.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA DIPHEDI TSE.txt</fn>
Ho lokisetsa mehato ya ho phahamisa ntshetsopele e loketseng, tlhahiso le tshebediso ya diphedi tse fetosweng lefutso; ho netefatsa hore diketsahalo tsohle tse etsahalang tse kenyelletsang tshebediso ya diphedi tse fetotsweng lefutso (ho kenyelletsa theko ya ditswantle, tlhahiso, ho ntshuwa le kabo) di tla etswa ka mokgwa o tlang ho fokotsa diphetho tse kotsi tikolohong; ho ela hloko thibelong ya dikotsi le tsamaiso e phethahetseng ya matlakala; ho theha mekgwa e tshwanang ya ho beha tekong le phokotso ya dikotsi tse hlahiswang ke ke diketsahalo tse kenyelletsang tshebediso ya diphedi tse fetotsweng lefutso; ho hlahisa ditlhoko tsa bohlokwa le mokgwa wa ho beha tekong kotsi; ho theha lekgotla la diphedi tse fetosweng lefutso; ho netefatsa hore diphedi tse fetotsweng lefutso di loketse mme ha di na kotsi tikolohong; le ho theha mekgwa e loketseng ya tlhokomelo ya diketsahalo tse ikgethang tshebedisong ya diphedi tse fetotsweng lefutso; le ho fana ka dintlha tse amanang le tsona.
boto ya boipiletso?
tshebediso e tlasa taolo?
tokollo ka kakaretso e bolela tsebiso ya diphedi tse fetotsweng lefutso ka hara tikoloho ka mokgwa le ha e le mang, moo diphedi di seng di sa hlole di tshwerwe ke ditshita le ha e le dife mme di se di se tlatsa taolo ya motho, hoo sephedi se ka tswelang pele ho phela le ho atoloha?
kalafo ya ditho tsa lefutso?
sephedi se fetotsweng lefutso e bolela sephedi, ditho tsa lefutso tse ileng tsa fetolwa ka mokgwa o sa iketsahalleng ho latela tlhaho e leng ka thobalano kapa kopano ka tlhaho kapa ka ketsahalo tsena bobedi, mme phetolo ya lefutso e tla ba le tlhaloso e tsamaelanang le yona?
ho beha leihlo?
tokollo ya teko?
matlakala e bolela ntho le ha e le hore ke mosi, mokedikedi kapa e thata kapa bobedi ba tsona, eo ho latela makikutlo a motho eo e leng ho yena kapa e taolong ya hae, e seng e sa batluwe kapa e ngata tlolo, etswang, e setseng, kapa masalla a tshebetso le ha e le efe kapa ketsahalo e mabapi le diphedi tse fetotsweng lefutso?
b ntshetsopele, tlhahiso, tokollo le tshebediso ya diphedi tse fetotsweng lefutso ho kenyelletsa le divaerase dibakethiria; le c tshebedisong ya kalafo ya ditho tsa lefutso.
ho etsweng le tshebedisong ya disele tse kopantsweng e se tsa leloko mme di keke tsa kgona ho hlahisa tse ding; le iii moo ho kopantsweng disele ho kenyelletsa le seleng tseo motheo wa tsona e leng wa maiketsetso tsa dimela.
Ho na le lekgotla le thehilweng le tlang ho tsejwa e le Lekgotla la Phethahatso la Diphedi tse Fetotsweng Lefutso, le tlang ho ba le ditho tse sa feteng borobedi tse tlang ho thonngwa ke Letona.
v Lefapha la Basebetsi; le vi Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
b o tla kenyelletsa modulasetulo wa Komiti; le c ho ka kenyelletsa motho le ha e le mang feela.
Letona le tla beha modulasetulo le motlatsa modulasetulo ho tswa dithong tsa Lekgotla.
Motlatsa modulasetulo o tla sebedisa matla ohle le ho phetha mesebetsi yohle ya modulasetulo moo e leng hore modulasetuolo ha a kgone ho etsa jwalo.
n etse dikgothalletso ho Letona ka ho thonngwa ha ditho tsa Komiti.
d se tlosa ofising ho latela karolwana ya 2?
e se hlokahala.
Letona le ka tlosa setho sa Lekgotla ofisisng nako e nngwe le e nngwe ha Letona le na le maikutlo a hore setho se jwalo ha se sa etsa mosebetsi wa sona wa ofisi kapa se sa ka sa itshwara hantle.
Sekgeo Lekgotleng se tla tlatswa hang ha kgonahalo e le teng ho latela karolo ya 3.
Letona ha le kgotsmangtse hore setho le ha e le sefe sa Lekgotla se thibetswe ke ho kula kapa lebaka le ha e le lefe feela ho etsa mesebetsi ya lona ya ofisi, Letona le ka thonya motho le ha e le mang eo le mmonang a lokela ho kena e le motlatsi wa setho seo ha se ntse se thibellehile, le hore motlatsi ya jwalo nakong ya hae ya ho sebetsa e le motlatsi, o tla etsa mesebetsi ya ya setho seo a thontsweng sebakeng sa sona: Ho ntse ho ikamahantswe le hore motho ya thontsweng e le motlatsi wa modulasetulo kapa motlatsa modulasetulo o tla etsa mesebetsi ya setho se tlwaelehileng, ntle le hore Letona le laele ka mokgwa o mong.
Dikopano tsa Lekgotla di tla tshwarwa ka nako le dibaka tse tlang ho bolelwa ke modulasetulo nako le nako: Ho ntse ho ikamahantswe le ntlha ya hore kopano ya pele e tla tshwarwa ka nako le sebaka se tlang ho hlaloswa ke Letona.
Bongata bo lekaneng ba kopano ya Lekgotla e tla ba bongata ba ditho.
Qeto ya Lekgotla e tla fihlellwa ka motheo wa tumellano.
Lekgotla le ka thonya batho ba bang ba ananelehang ho sebetsa Lekgotleng hore ba eletse Lekgotla moo Lekgotla le bonang ho le molemo ho etsa jwalo teng.
Lekgotla le ka kopa diphehiso tse ngotsweng ho batho ba ananelehang ntlheng le ha e le efe ya phetolo ya lefutso e leng matsohong a Lekgotla.
a15y1997s88 Ho thonngwa ha Mongodisi a Ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ka mora ho thewa ha Lekgotla le moo ho hlokehang Letona le, ka mora therisano le Lekgotla, thonyana mongodisi ya nang le manolo le boiphihlelo bo loketseng.
e ka fediswa ke Letona ha e le hore mongodisi ha a etse mosebetsi wa hae ka mokgwa o kgotsofatsang.
b a ka sebedisa matla a hae le ho etsa mesebetsi eo a ka e fuwang kapa e fetisetswang kapa hehwang ke kapa tlasa Molao ona kapa ke Lekgotla.
Nako tsohle moo e leng hore mongodisi ha ayo ka lebaka le itseng kapa ha a kgone ho phetha mosebetsi wa hae, kapa nako tsohle moo e leng hore ho na le sekgeo se hlahang ofising ya mongodisi, Lekgotla le ka beha setho sa basebetsi ba lona ho sebetsa boemong boo ho fihlea mongodisi a kgutla ho tla phetha mosebetsi wa hae, kapa ho thonngwang mongodisi ho ya ka karolwana ya 1, mme setho seo, ha se ntse se tshwere mokobobo, se na le matla le ho ka phetha mesebetsi ya mongodisi jwalo a ka e fuwa kapa e nehwa ke Lekgotla.
Ketso le ha e le efe ya mongodisi e ka hulwa nakong efe kapa efe kapa ya fetolwa ke Lethona.
Molaodi Kakaretso o tla beha, ho latela dipehelo tsa Molao wa Basebeletsi ba Setjhaba, wa 1994 Phatlalatso ya 103 ya 1994, bahlanka ba bangata ba lefapha ka moo ho hlokehang ka teng ho thusa mongodisi ho etsa ho latela matla a hae le ho phetha mosebetsi wa hae.
e balta ho emiswe ka diketsahalo tsa ho fetolwa ha lefutso dibakeng tseo dipehelo tsa Molao ona kapa maemo a tumello a sa kang a dumellwa kapa ho sa tsamaellanweng le tsona; le f ho netefatsa hore mehato e loketseng e a nkuwa ke basebedisi bohle ka dinako tsohle ka maikemisetso a ho sirelletsa tikoloho dinthong tse kotsi.
b batho ba babedi ba tla tswa lekaleng la setjhaba mme ba tla bang le tsebo ka ha saense ya tsa tlhaho le diphedi tse fetotsweng lefutso.
Lekgotla le, ha le ananela ditho bakeng sa ho thonyetswa Komiting, tsitlallela ho fihlella tekano kemeding ho tswa makaleng ohle a tsebo e tebileng e mabapi le diphedi tse fetotsweng lefutso.
Letona le, ka mora kgothalletso ya Lekgotla, beha setho le ha e le sefe sa Komiti e le modulasetulo.
Bosiong ba modulasetulo, ditho tse setseng tsa Komiti di tla kgetha modulasetulo ya tshwereng mokobobo.
Modulasetulo ya tshwereng mokobobo o tla sebedisa matla le ho phetha mesebetsi ya modulasetulo nako tsohle modulasetulo a sa kgoneng ho ets jwalo ka yona.
Setho sa Komiti seo nako ya sona ofising e fedileng se loketse ho ka thonngwa hape.
ho dilatantle le thekisontle ya diphedi tse fetotsweng lefutso; le v melawaneng e sisintsweng kapa ditataisong tse ngotsweng fatshe.
c hokahana, ka mafapha a amehang a fapaneng a naha, le dihlopha tsa matjhaba kapa mekgatlo a amehang polokehong ho tsa baeloji; le d ho etsa kgweletso ya hore ho tshwaelwe ka mangolo ho tswa batho ba nang le tsebo ntlheng le ha e le efe e mabapi le diphedi tse fetotsweng lefutso eo Komiti e nang le tokelo ya ho e sebetsa.
Komiti e tla thonya dikomiti tse nyane ho sebetsana le dintlha tse ikgethang jwalo ka ha ho hlokeha.
Ho ditho tsa Komiti, ditho tsa dikomiti tse nyane le setho se hlahellang karolong ya 32c ho tla fanwa ka moputso oo Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le tlang ho e hlalosa.
Komiti selemo ka seng le ho ya ka leano la tekanyetso ya lefapha e tla fana ka tekanyetso ho Lekgotla.
Motho ya thonyeditsweng Komiting o tla ikgula hanghang jwalo ka setho sa Komiti ebang tabakgolo ke ntlha eo a nang le kgahleho ka ho toba kapa ka ho se tobe kapa ebang, ka lebaka le ha e le lefe, ho na kapa ho ka ba le thulano ya dikgahleho ka baka la ho ba le seabo diketsong tsa Komiti.
Letona, ka kgothalletso ya Lekgotla, ka tsebiso Koranteng ya Mmuso, le ka thibela morero le ha e le mang o mabapi le diphedi tse fetotsweng lefutso.
Mongodisi a ka thonya mohlanka le ha e le mang, kapa ka thumello ya Letona, motho le ha e le mang eo e seng mohlanka, e le mohlahobi ya tlang ho etsa kapa ho phetha mesebetsi e hlahellang karolwaneng ya 4 le karolong ya 16.
Mohlahlobi, ka kopo ya motho le ha e le mang ya anngwang ke ketso kapa tshebetso ya mohlahlobi ya jwalo, hlahisa lengolo le hlahellang karolwaneng ya 2 ho motho ya jwalo.
c ho amoha sesebediswa, buka, setatemente kapa tokomane le ho nka disampole tsa se etswang tse bonahalang e ka ba bopaki ba tlolo ya dipehelo tsa Molao ona; le d ho fana ka tsebiso ho monga se etswang, sesebediswa, buka, setatemente kapa tokomane e amohilweng tlasa serapa sa c kapa motho ya nang le taolo hodima tsona hanghang pele ho ho hlotshwa ho seratswaneng sa c ho tlosa dintho tse amohilweng ka ditjeho tsa hae nakong e itseng le ho di beja sebakeng se boletsweng nakong ya tsebiso e jwalo.
a Lengolo le hlahellang karolwaneng ya 4 le tla ntshuwa ke makgiseterata ya nang le matla a molao tulong eo sebaka kapa moaho oo ho buuwang ka ona o leng ho yona, mme o tla le ntsha ha e le hore ho bonahala ho na le tlhahisoleseding e hlapanyeditsweng ya hore ho na le mabaka a lekaneng ho dumela hore sesebediswa, buka, setatemente kapa tokomane e amanang le tlolo ya Molao ona, e moo kapa ka hara sebaka seo kapa moaho oo.
b Lengolo le ntshitsweng ho latela karolo ena le tla ntshuwa jwalo ka hlokolotsi e kgolo le toka.
a Ebang ho se na mehato ya qoso e nkuwa malebana le ntho le ha e le efe eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 5a, dintlho tse amohilweng ho ya ka karolwana ya 4, kapa ha ho bonahala hore dintho tse jwalo ha e hlokwe ho mamelweng ha nyewe bakeng la ho ka ba bopaki kapa taelo ya lekgotla la dinyewe, ntho e jwalo e lta kgutlisetswa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ho motho eo e nkilweng ho yena.
c ka mora ho phethelwa ha tsamaiso ya qoso, ntho le ha e le efe e nkilweng ho ya ka karolwana ya 4 mme e sebedisitswe jwalo ka bopaki diqosong tseo motho a ne a di tshwaretswe, e tla nehwa mohlahlobi ho e senya kapa ho seng jwalo a sebetsane le yojna ho latela taelo ya mongodisi.
c hlahloba mesebetsi kapa tshebetso e etswang ho kapa ka hara sebka kapa moaho e mabapi le diphedi tse fetosweng lefutso; le d ka batla hore monga kapa ya sebeletsang moo ho hlahisetsa tlhahlobo kapa lebakeng la ho fumana dikgatiso kapa diqotso, mookapa ho tswa bukeng le ha e le efe, bili ya ho tsamaiswa ha dithoto, bili ya ho kena naheng kapa tokomane ka morero wa tsamaiso ya Molao ona.
Basebedisi ba tla netefatsa hore mehato e a nkuwa ho qoba kgahlamelo e mpe tikolohong e ka hlahang tshebedisong ya diphedi tse fetotsweng lefutso.
boikarabelo ba tshenyo e bakelweng ke tshebediso ya kapa ho lokollwa ha sephedi se fetotsweng lefutso e lta ba ba mosebedisi ya amehenag: Ha sephedi se jwalo se ne se ntse se le matsohong a mohlahlobi jwalo ka ha ho hlahella karolong ya 154, mosebedisi ya amehang nakong ya tshebediso e jwalo kapa tokollo e jwalo ha a na ho jara boikarabelo ba tshenyo le ha e le efe ntle le ha e le hore mosebedisi ya jwalo o hlile a bona kapa o ne a lokela hore o ile a hla a bona mme a ka be kapa o ne a loketse hore o ile a thibela tshenyo empa a hloleha ho nka mehato e loketseng ho thibela tshenyo e jwalo.
d ha a dumelletswe ho etsa jwalo ke Letona.
b mekgwa le merero ya ho beha leihlo diphedi tse fetotsweng lefutsole bakeng la mehato ya tshohanyetso moo ho ka tshohang ha hlaha kotsi; le c tekolo ya kgahlamelo e bonahalang e lta ba teng, haholoholo e ka hlahisang dikokwanahloko le tshitiso ya tlhaho.
Ntle le dipehelo tsa karolwana ya 2, Lekgotla ka mora ditherisano le moikopedi mme ha e ba Lekgotla le kgotsmangtse ho latela tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona ke moikopedi hore tlhahisoleding e itseng e lokela ho se phatlalatswe hore ho tle ho sirelletswe thepa ya moikopedi, le se ntshe tlhahisoleseding e jwalo bakeng sa nako e hlokehang ho sirelletsa ditokelo tse jwalo.
Ha eba, ka mabaka le ha e le afeng, moikopedi a hula kopo ya hae, lehlakore le ha e le lefe le nang le tsebo ka dintlha tsa kopo le lokela ho hlompha sephiri sa tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona.
Motho ya ikutlwang a sa kgotsofala ke qeto e nkuweng kapa mohato wa Lekgotla, mongodisi kapa mohlahlobi ho latela Molao ona, nakong le ka mokgwa o hlalositsweng le ha ho se ho fumanwe tefo ya ditjhelete e behuweng, a ka etsa boipiletso kgahlano le qeto kapa mohato o jwalo ho Letona, le tlang ho thonya boto ya boipiletso bakeng la boipiletso bo amehang.
a Boto ya boipiletso e tla thehwa ka motho kapa batho bao, ho ya ka maikutlo a Letona, ba nang le tsebo e tebileng le ya loketseng ho etsa qeto ka dinltha tsa boipiletso.
b Ha boto ya boipiletso e nang le batho ba fetang bonngwe e thontswe, Letona le tla beha e mong wa bona e le modulasetulo wa boto eo ya boipiletso.
c Motho ya thontsweng tlasa a, o tla ikgula ha bothong ba boto ya boipiletso ha a na le kgahleho e tobileng kapa e sa tobang ntlheng ya boipiletso kapa ha, ka lebaka le ha e le lefe, ho na le kapa ho na le kgonahalo ya ho ba le thulano ya kgahleho ka lebaka la ho ba karolo diketsahalong tsa boto ya boipiletso.
Ho ka lefuwa setho sa boto ya boipiletso seo e seng mosebeletsi wa ka nako tsohle wa Mmuso, ka tjhelete e abilweng ke Palamente bakeng la morero o jwalo, tefo e jwalo kapa thuso e tlang ho hlaloswa ke Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
b fetisetsa ntlha ena morao ho mongodisi ho ka lekolwa hape ke Lekgotla; kapa c a fana ka taelo e nngwe eo a bonang e loketse.
a e le ho behella ka thoko, tefo e hlahellang karolwaneng ya 1 e tla buseletswa moipiletsi ya amehang; kapa b e fetotswe, karolo ya tefo e hlahellang karolwaneng ya 1 eo boto ya boipiletso e amehang e tlang ho e hlalosa, e tla buseletswa moipiletsi.
Qeto ya boto ya boipiletso, hammoho le mabaka a yona, di tla fokotswa ka ho ngolwa fatshe, mme dikgatiso tsa tsona di tla fuwa Letona, ha le di fumana Letona le tla nka bohato bo bong ho ya ka moo a bonang ho lokela.
mokgwa wa tsamaiso ya boipiletso wa boto ya boipiletso; le iv nako eo ka yona boto ya boipiletso e lokelang hore e be e entse qeto boipiletsong.
q mabapi le, ka kakaretso, ntlha le ha e le efe eo a nahanang e le ya bohlokwa kapa e potlakileng ho hlalosa hore tse ka hara Molao ona di ka fihlellwa ha bobebe, kakaretso e hlahellang serapeng sena e sa sehelweng moedi ke dipehelo tsa dirapa tse tlileng pele ho sona.
Melawana le ha e le efe e entsweng tlasa karolwana ya 1 e ka etsa hore motho mang kapa mang ya tlolang kapa hlolehang ho latela dipehelo tsa ona, o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao le ho ka tshwarwa kapa a ahlolwa tjhelete, kapa ho kwallwa tjhankaneng bakeng sa nako e sa feteng dilemo tse pedi.
c hang kapa hlolehang ho fana ka tlhahisoleseding kapa tlhaloso kapa karabo ka botlalo kamoo a ka kgonang ka teng potsong e botsitsweng ka molao a e botsitswe ke mohlahlobi ho phethweng ha mosebetsi wa hae ho latela Molao ona, kapa ho fana ka tlhahisoleseding, tlhakisetso kapa karabo ho mohlahlobi le ha e le ofe, e fosahetseng kapa e lahlehisang, a ntse a tseba hore e fosahetse kapa e a lahlehisa; kapa d ya itlhahisang ka boqhekanyetsi e le mohlahlobi kapa mohlanka le ha e le ofe ya thontsweng ho latela Molao ona, o molato wa tlolo ya molao.
a kgetlong la pele la ho tshwarwa ha hae, kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse pedi; le b ho tshwarweng kgetlo la bobedi kapa le latelang a ahlolwe tjhelete, kapa ho kwallwa tjhankaneng nako ya dilemo tse sa feteng tse nne.
Ho sa natswe le ha e le eng e fapaneng le ena molaong le ha e le ofe, lekgotla la dinyewe la makgisetrata le tla lokela ho fana ka kotlo kapa taelo le ha e le efe e hlaloswang ke Molao ona.
Letona, ho latela maemo ao le ka a hlalosang, ka lengolo la fana ka matla ao a fuweng ke Molao ona, ntle le matla a hlahellang karolong ya 20, ho mohlanka ya thontsweng ke lefapha, empa a se na ho nkelwa matla le ha e le afe ao a faneng ka ona mme a ka nna a fetola kapa a behella ka thoko qeto ya moemedi wa hae ya e entseng ha a ntse a sebedisa matla a jwalo.
Molao ona o tla bitswa Molao wa Diphedi tse Fetotsweng Lefutso, wa 1997, mme o tla kena tshebetsong ka letsatsi le tlang ho behwa ke Moporesidente ka ho o phatlalatsa Koranteng ya Mmuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA DIPHUPUTSO T.txt</fn>
Ho hlomamisa motho wa semolao ya tla sebetsana le diphuputso tsa temo; ho tsepamisa maikemisetso a tsona, matla le mesebetsi, ho tsepamisa mokgwa oo di tla tsamaiswa le ho laolwa ka tsona; ho laola ditaba tsa teng tsa basebetsi le tsa ditjhelete; le ho nehelana ka monyetla wa ditaba tse amanang le tsona.
Komiti ya Phethahatso ya tsamaiso?
selemo sa ditjhelete?
phano ya tsebo ya theknoloji?
terasete e bolela terasete jwalo ka ha e lohothwa Molaong wa Taolo ya Thepa ya Teresete wa 1988 (Molao wa Nomoro ya 57 wa 1988)?
Tlhaloso ya terasete e kentswe ka s. 1 sa Molao wa Nomoro ya 174 wa 1993?
Tlhomamiso ya Lekgotla la Diphuputso la Temo.- Mona ho hlomamiswa motho wa molao ya tla tsejwa e le Lekgotla la Diphuputso la Temo.
Maikemisetso a Lekgotla la Diphuputso la Temo .- Maikemisetso a Lekgotla la Diphuputso la Temo ke, hore ka diphuputso, ntsetsopele le phano ya theknoloji ho kgothaletswe temo le indasteri mme ka ho etsa jwalo ho kenngwe letsoho ka nyehelo ntlafatsong ya boleng ba bophelo ba batho ba Riphaboliki, le ho nkela hloohong tshireletso ya tikoloho ha ho etswa mesebetsi e meng e ka nnang ya fuwa Lekgotla la Diphuputso la Temo ka Molao ona kapa tlasa Molao ona.
Mesebetsi, matla le boikarabelo ba Lekgotla la Diphuputso la Temo LOT.- Hore lekgotla lena le kgone ho fihlella maikemisetso a lona Lekgotla la Diphuputso la Temo le ka?
h sebedisana le balaodi ba thuto le mekgatlo ya saense kapa ya mahlale a thekniki ho la Riphaboliki bakeng sa kgothaletso ya?
Kgaolo (lA) e kentsweng ka s. sa 1(a) sa Molao wa Nomoro ya 12 wa 1993.
Karolwana ya (i) e nkelwang sebaka ke s.
Lekgotla la Diphuputso la Temo hodima mesebetsi ya lona ho latela Molao kapa molawana ofe kapa ofe, le tla?
b eletsa Letona ka diphuputso, ntshetsopele le ho fana ka mahlale lehlakoreng la temo; mme c hokela ka boithaopo lesedi le itshetlehileng diphuputsong tsa temo le ntshetsopeleng ho la Riphaboliki ka ho phethisa le ho boloka rejistara e bohareng ya diphuputso tsa temo le merero ya diprojeke tsa ntshetsopele, le ho phethisa mehato e tla bonwa e loketse ho ka fihlela sepheo se jwalo.
Tshebediso ya matla a Lekgotla la Diphuputso la Temo kantle ho Riphaboliki.
Ho ntse ho ikamahantswe le dipallo tsa karolwana ya 3, dipallo tsa Molao ona ho ya ka moo di ka kgonang ho sebediswa ka teng, di tla sebetsa ka phethahatso ka ho tlisa diphetoho tse hlokehang tshebedisong ya matla a Lekgotla la Diphuputso la Temo ho latela karolo ena jwalo ka ha e ka lebatowa leo matla ana a sebediswang ho lona le ne le le kahare ho Riphaboliki.
Ntle le ho tlisa kgohlano ho se fuperweng ke Molao ona, diphuputso, ntshetsople le phano ya mahlale tlasa karolwana ya 1 di tla etswa ho latela dipehelano tseo ho ka nnang ha dumellwanwa ka tsona dipakeng tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo le motho ho kenyeletswa mokgatlo wa sebopeho sefe kapa sefe, mmuso kapa tsamaiso eo lebitsong la hae diphuputso, ntshetsopele le phano ya mahlale di tla etswa ka ena, mme di ka nna tsa ananelwa ke Letona.
Letona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete le ka rola Lekgotla la Diphuputso morwalo bakeng sa ditahlehelo dife kapa dife tseo le ka bang le tsona ka lebaka la ketso efe kapa efe kapa phoso ya motho, ya mokgatlo, mmuso kapa tsamaiso eo ho buuweng ka yona karolwaneng ya 1.
Molao wa Tsamaiso.- Presidente ye Mmuso e ka etsa kgweletso Koranteng ya Mmuso ho tsepamisa hore matla afe kapa afe kapa mosebetsi ofe kapa ofe a hlalositsweng kgweletsong ho latela Molao ona a fuweng kapa a qobeletsweng Letona, a tla sebediswa kapa a tla etswa ke Letona ka morao ho ditherisano le e mong kapa ba bang ba Matona a hlalositsweng.
Ho fana ka mesebetsi kapa matla.- Mopresidente wa Mmuso ka morao ho ditherisano le Letona ha mmoho le Lekgotla ha mmoho le khansele, lekgotla kapa mokgatlo tse thehilweng ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente, e ka aba mosebetsi ofe kapa ofe kapa matla a tshepetsweng kapa a fuweng khansele efe kapa efe e jwalo, lekgotla kapa mokgatlo ho Lekgotla la Diphuputso la Temo hore ebe lona le etsang mosebetsi oo kapa le sebedisang matla a jwalo.
Mopresidente wa Mmuso ka morao ho ditherisano le Letona ha mmoho le Lekgotla ha mmoho le khansele, lekgotla kapa mokgatlo o thehilweng ke kapa tlasa Molao ofe kapa ofe wa Palamente, e ka fetisetsa mosebetsi ofe kapa ofe kapa matla a tshepetsweng kapa a fuweng Lekgotla ho khansele, lekgotla kapa mokgatlo hore ebe tsona tse etsang mosebetsi kapa tse sebedisang matla a jwalo.
Lekgotla la Diphuputso la Temo kapa khansele, lekgotla kapa mokgatlo tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1 le ya 2 ka kananelo e tswang ho Letona le amehang, le ka fetisetsa thepa efe kapa efe, ho kenyeleditswe naha le meaho, e sebediseditsweng tshebetso kapa tshebediso ya mosebetsi kapa matla a fetiseditsweng ho khansele, lekgotla kapa mokgatlo o amehang kapa ho Lekgotla la Diphuputso la Temo, ho latela ka moo maemo a ka bang ka teng.
Ditaba tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo le tla laolwa ke khansele, eo ho latela dipallo tsa Molao ona, e tla tsepamisa leano le maikemisetso a Lekgotla la Diphuputso la Temo le ho sebedisa taolo ka kakaretso hodima tshebetso ya mesebetsi, tshebediso ya matla le phethahatso ya mesebetsi.
Letona neng kapa neng le ka thibela phetapheto ya mesebetsi ya Lekgotla la Diphuputso la Temo le ya mekgatlo e meng mme ho latela dipallo tsa karolwana ya 3, la tshwara taba efe kapa efe e amanang le diphuputso, ntshetsopele le ho fana ka mahlale e etseditsweng monyetla ke Molao, e le taba eo qeto ya yona ya Lekgotla e tla itshetleha tumellong e tswang ho Letona.
Letona le Letona la Ditjhelete mmoho kgafekgafetsa ba ka nna ba tshwara taba efe kapa efe ya ditjhelete e etseditsweng monyetla ke Molao ona e le taba eo qeto ya yona ya Lekgotla e tla itshetleha ho Letona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Sebopeho sa Lekgotla.
b bonyane ditho tse 8 empa eseng tse fetang 15 tse ding tse kgethilweng ke Letona; le c presidente, ya tla sebetsa Lekgotleng ho latela matla a kantoro ya hae.
a Ditho tseo ho builweng ka tsona karolwaneng ya 1 a le b di tla kgethwa ho latela tsebo le boitsebelo ba bona ba temo, thekiso, thupelo ya balemi le dingaka tsa diphoofolo, tsamaiso ya kgwebo le ya ditjhelete, molao, tikoloho, ntshetsopele ya dibaka tseo eseng tsa metseng ya diteropo, kapa diphuputso, ntshetsopele kapa ho fana ka mahlale lehlakoreng la temo.
b Popong ya Lekgotla ditabatabelo tsa provense e nngwe le e nngwe di tla nkelwa hloohong.
le tla theha komiti e bopilweng ka batho ba palo e itseng eo Letona le tla e beha, a hlome modulasetulo wa komiti le ho nehela komiti mabitso a batho ba thontsweng kaofela a amohetsweng.
b Modulasetulo wa komiti e loketseng ya Palamente le modulasetulo wa komiti e tsamaelanang le moo ya Senate, kapa baemedi ba bona, e tla ba ditho tsa komiti ena eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa a ii.
d Komiti eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa a ii mabitsong a ba thontsweng a tekilweng ka pele ho Letona, e tla hlophisa lenaneo le le kgutshwanyane la bathonngwa ba loketseng ho ka iketela mosebetsi ba nang le tsebo le boitsebelo ba taba efe kapa efe eo ho buuweng ka yona karolwaneng ya 2, le ho le teka ka pele ho dikomiti tsa palamente tseo ho buuweng ka tsona seratswaneng sa b.
e Setho sa Lekgotla se tla kgethwa ke Letona ka morao hoba le tebise maikutlo ka dikgothaletso tseo a di etseditsweng ho latela seratswana sa d: Ha e ba Letona le sa dumellane le dikgothaletso, Letona le tla fetisetsa taba ena hape ho dikomiti tsa Palamente tseo ho buuweng ka tsona seratswaneng sa b bakeng sa ditherisano.
S.9 se nketsweng sebaka ke s.
Moputso, ditlhapiso le dipehelo tsa mosebetsi tsa ditho tsa Lekgotla.
Setho sa Lekgotla ntle le motho ya mosebetsing o phethahetseng wa moshwella wa Mmuso, se tla amohela moputso le ditlhapiso ho latela ka moo Letona le tla di beha hore di be ka teng ka tshebedisano le Letona la Ditjhelete: Ha feela moputso le ditlhapiso tsa ditho di ka fapafapana ho latela hore naa ba sebetsa mosebetsi wa moshwella kapa wa nakwana.
Dipehelo tsa mosebetsi tsa setho sa Lekgotla seo eseng mohlanka ho latela tlhaloso ya karolo ya 1 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1984 Molao wa Nomoro ya 111 wa 1984, di tla tsepamiswa ka tshebedisano le Letona la Ditjhelete.
Moputso le ditlhapiso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1 le ditshenyehelo tsa ditjhelete tse amanang le dipehelo tsa mosebetsi tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 2, o tla lefuwa ka ditjhelete tsa letlole la Lekgotla la Diphuputso la Temo.
Modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo wa Lekgotla.- Letona, ka morao hoba le tshware ditherisano le Lekgotla, le tla kgetha motho jwalo ka modulasetulo mme Letona ka boinahanelo ba lona le ka thibela kgetho e jwalo neng kapa neng: Ha feela nakong ya Lekgotla la pele modulasetulo eo a tla kgethwa ke Letona feela.
a Letona ka morao ho ditherisano le modulasetulo le tla kgtha e mong wa ditho tsa Lekgotla hore ebe motlatsi wa modulasetulo, ya tla sebetsa jwalo ka modulasetulo nakong eo modulasetulo, ka mabaka afe kapa afe a leng siyo, kapa a sa kgoneng ho etsa mosebetsi wa bodulasetulo, kapa ha a kopuwa ho etsa mosebetsi oo ke modulasetulo.
b Letona boinahanelong ba lona nakong efe kapa efe le ka thibela kgetho e entsweng seratswaneng sa a.
Ha modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo wa Lekgotla ka lebaka lefe kapa lefe a le siyo kapa a sa kgone ho etsa mosebetsi, Lekgotla hara ditho tsa lona le tla kgetha motho ya tla tshwara mosebetsi wa bodulasetulo.
Nako ya mosebetsi ya ditho tsa Lekgotla.- Setho sa Lekgotla, ntle le presidente, se tla ba mosebetsing nakong e sa feteng dilemo tse tharo, empa se tla ba le monyetla wa ho ka kgethwa hape.
Serapa (a) e hlakotsweng ka s.2 (a) ya Molao wa Nomoro ya 16 ya 1996.
b se phatlalatswa se futsanehile kapa se nehelane ka leruo la sona molemong wa batho bao a nang le molato ho bona.
Serapa sa (f) se nkelwang sebaka ke s.
g nako ya setho ya kantoro e kgaotswa ho latela karolwana ya 3.
Letona nakong efe kapa efe le ka lokolla mosebetsing setho sa Lekgotla ha e ba letona le nahana hore setho seo se hloleha ho phetha mesebetsi ya sona kapa se molato ka boitshwaro bo bobe.
Ha e ba setho se hlokahala kapa se ngolla letona ka tsebiso ya hore se itokolla mosebetsing kapa ho latela karolwana ya 2 kapa ya 3 se lesa hoba setho, Letona ho latela dipallo tsa karolo ya 9 le tla kgetha motho e mong sebakeng sa setho seo hore a sebetse nako e setseng ya tshebetso ya ditho tsa lekgotla leo.
Ha e ba ha ho fela nako ya pheletso ya lekgotla ho se na motho e motjha ya kgethilweng bakeng sa setho se neng se kgethilwe, setho sena se tla dula se ntse se sebetsa ho fihlela ho kgethwa motho eo ya jwalo: Ha feela setho se tla dula tshebetsong eo bakeng sa nako e sa tloleng dikgwedi tse tharo.
Karolwana ya e ekeditsweng ke s.
Dikopano tsa Lekgotla.- Dikopano tsa Lekgotla di tla tshwarwa ka dinako tse tla behwa ke Lekgotla di tshwarelwa dibakeng tse tla tsepamiswa ke lekgotla: Ha feela kopano ya pele e tla tshwarelwa sebakeng se tla behwa ke modulasetulo ha mmoho le nako.
Modulasetulo kapa bosiyong ba hae motlatsi wa modulasetulo, nakong efe kapa efe a ka bitsa kopano e ikgethang ya Lekgotla, e tla tshwarelwa sebakeng seo modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo a tla se beha ha mmoho le nako ya kopano eo, ho latela maemo a teng a ditaba; ntle le moo nakong eo ditho tse hlano tsa Lekgotla bonyane di ileng tsa nehelana ka kopo e ngotsweng ho Letona mabapi le taba ena, ke moo kopano e ikgethang ya Lekgotla e tla tshwarelwa sebakeng seo Letona le tla laela hore se tshwarelwe ho sona ha mmoho le nako eo le tla e beha.
Khoramo ya kopano ya Lekgotla e tla ba bongata ba ditho tsa lona.
Qeto ya Lekgotla e tla etswa ka qeto ya bongata ba ditho tse teng kopanong e nngwe le e nngwe ya Lekgotla mme ha ho ka etsahala hore divoutu di lekane ka palo ntlheng efe kapa efe, motho ya tsamaisang kopano eo o tla ba le voutu e kgaolang kgang ha mmoho le voutu ya hae jwalo ka setho sa Lekgotla.
Modulasetulo a ka dumella motho ofe kapa ofe eo ho ya ka maikutlo a hae a nang le thahasello mesebetsing ya Lekgotla la Diphuputso la Temo ho ba teng dipuisanong tsa Lekgotla, kapa ho thonya motho bakeng sa sepheo se jwalo, le ho kenela dipuisano tse jwalo tsa Lekgotla tseo ho latela maikutlo a modulasetulo di amanang le tabatabelo tsa motho eo kapa ditabatabelo tse emetsweng ke motho ya jwalo, empa motho eo ya jwalo kapa mothonngwa wa hae a keke a dumellwa ho voutela qeto efe kapa efe.
Ho tla bolokwa metsotso ya dipuisano tsa kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla, mme metsotso ena e tla tiiswa ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng kopanong e hlahlamang ya Lekgotla.
Dikopano tsa Lekgotla tse nkwang di tshwerwe ka tsela e nepahetseng.- Ha feela metsotso ya dipuisano kopanong e tiisitswe ho latela karolo ya 13 , kopano e jwalo e tla nkuwa e ile ya bitswa mme ya tshwarwa, dithong tsohle tse neng di le teng kopanong ho tla nkuwa hore di ne di na le tokelo ya ho ba teng kopanong le ho kenela dipuisano tsa kopano, ntle le moo ho ka hlahiswang mabaka a mang a bontshang hore tseo kaofela ha di a phethahala.
Matla a tshebetso a diqeto le melao ya Lekgotla.- Ha ho qeto kapa molao wa Lekgotla kapa molao o entsweng tlasa matla a Lekgotla e tla hloka matla a tshebetso ka lebaka feela la ntlha ya hore Lekgotla le ne le hloka palo ya ditho kaofela eo ho buuwang ka yona karolong ya 9 , kapa ka lebaka feela la ntlha ya hore motho ya kgaotsweng o ne a le teng kopanong kapa o sebeditse jwalo ka setho sa Lekgotla nakong eo qeto e jwalo e neng e fihlelwa kapa ha molao o jwalo o ne o etswa.
Komiti ya Phethahatso ya tsamaiso.-Lekgotla le tla thonya komiti ya phethahatso ya tsamaiso e tla thehwa ka presidente le ditho tse ding tse itseng tseo e tla be e le basebetsi ba Lekgotla la Diphuputso la Temo, ho ya ka moo Lekgotla le tla fumana ho hlokeha ka teng, e tla jara boikarabelo ba taolo ya ditaba tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo ho latela maikemisetso le leano la Lekgotla la Diphuputso la Temo, ho ya ka ditaelo le taolo ya Lekgotla.
Dikomiti tsa Lekgotla.
i Komiti ya lekgotla eo kgafekgafetsa e tla dula e hlahloba mesebetsi ya Lekgotla la Diphuputso la Temo ho ya ka maikemisetso a Lekgotla la Diphuputso la Temo; le ii Komiti ya lekgotla e tla hlokomela ditaba tsa ditjhelete tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo.
b Komiti e jwalo e tla botjwa ka motho a le mong kapa batho ba palo e fetang moo, ho latela ka moo Lekgotla le tla tsepamisa dintho ka teng, bao eleng ditho tsa Lekgotla, basebetsi ba Lekgotla la Diphuputso la Temo kapa ditsebi tse ding.
c Lekgotla le ka qhala komiti eo ho buuweng ka yona seratswaneng sa b nakong e nngwe le e nngwe kapa la fokotsa kapa la eketsa palo ya ditho tsa lona.
d Ha komiti eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa a e bopilwe ka palo ya ditho tse fetang setho se le seng, Lekgotla le tla thonya setho sa komiti jwalo ka modulasetulo wa komiti e jwalo.
sebetsa mesebetsi e meng e tla tsepamiswa ke presidente ho latela ditaelo tsa presidente, e sebetsang ka morao hoba e tshware ditherisano le Lekgotla b Komiti eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa a e tla botjwa ka setho se le seng kapa ditho tse fetang moo ka palo, se tla kgethwa ke presidente boinahanelong ba hao basebetsing ba Lekgotla la Diphuputso la Temo, ditsebing tse ding le bathong ba bang ba tla be ba thontswe ke makgotla a bolaodi a nang le thahasello c Presidente a ka qhala kapa a bopa botjha komiti e jwalo d Ha komiti e jwalo e bopilwe ka batho ba fetang motho a le mong ka palo, ditho tsa komiti di tla thonya setho sa komiti eo jwalo ka modulasetulo wa yona.
e Komiti eo ho buuweng ka yona seratswaneng sa a e ka nna ya kgetha dikomitjana ho latela taelo tsa presidente.
Lekgotla la Diphuputso la Temo le ka lefa ditho tsa komiti efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolwaneng tsa 1 le 2 tse seng tshebetsong ya moshwella ya Mmuso, kapa tseo eseng ditho tsa Lekgotla kapa tse sa sebeletseng Lekgotla la Diphuputso la Temo, tefo le ditlhapiso tse tla tsepamiswa ke Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Lekgotla kapa Presidente ba keke ba ithola morwalo wa boikarabelo ba tshebetso ya mosebetsi ofe kapa ofe oo karolo ena e o fileng komiti e nngwe le e nngwe ya lekgotla kapa komiti ya marolo.
Mopresidente wa Lekgotla la Diphuputso la Temo.- Lekgotla le tla kgetha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso wa Lekgotla la Diphuputso la Temo, ya tla tshwara mosebetsi wa bopresidente ba Lekgotla la Diphuputso la Temo: Ha feela presidente wa pele a tla kgethwa ke Letona.
Presidente e tla ba modulasetulo wa Komiti ya Phethahatso ya tsamaiso, mme ha mmoho le ditho tse ding tsa komiti, o ikarabella taolong ya ditaba tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo, mme o tla fana ka pehelo ditabeng tse jwalo ho latela ka moo Lekgotla le tla hloka hore ho etswe ka teng.
Ha presidente a le siyo ka mabaka afe kapa afe kapa a hloleha ho etsa mesebetsi ya hae, kapa ha ho na le sekgeo kantorong ya presidente, Lekgotla ho ya ka moo le tla tsepamisa dipehelano le tefo ya ditefello tse jwalo ha mmoho le ditlhapiso ho latela ka moo ho lohothwang ka teng karolwaneng ya , le tla kgetha mosebetsi wa Lekgotla la Diphuputso la Temo ho tshwara mosebetsi wa presidente mokobobo nakong ya bosiyo ba hae le nakong eo a ntseng a hloleha ho etsa mosebetsi wa hae ka yona, kapa ho fihlela presidente a kgethwa ho latela karolwana ya , mme mosebetsi eo nakong eo a ntseng a tshwere mosebetsi oo mokobobo, o na le matla kaofela a bopresidente mme o etsa le mesebetsi kaofela ya presidente.
Presidente o tla kgethwa nakong e sa feteng dilemo tse hlano ka dipehelano tse jwalo, ho kenyeleditswe dipehelano tse amanang le tefo ya moputso le ditlhapiso ho latela ka moo Lekgotla le tla tsepamiswa ditaba ka teng ho latela dipallo tsa karolo ya 19 (b), empa ha nako ya hae e fedile ya mosebetsi, ha e ba a dumela, a ka nna a boela a kgethwa hape.
Moifo wa Basebetsi ba Lekgotla la Diphuputso la Temo le dipehelano tsa mosebetsi wa bona.- (a) Presidente ho latela seratswana sa (b) ka dipehelano tse behilweng ke Lekgotla, a ka kenya mosebetsing mosebetsi ya hopolang hore o a hlokeha ho etsa mesebetsi ya Lekgotla la Diphuputso la Temo.
bLekgotla la Diphuputso la Temo le tla lefa basebetsi ba lona moputso le ditlhapiso, dithuso le menyetla e meng e tla behwa ke Lekgotla, ho latela mokgwa o ananetsweng nako le nako ke Letona, ka ditumellano le Letona la Ditjhelete.
c Lekgotla la Diphuputso la Temo ha mmoho le basebetsi bao ho buuwang ka bona seratswaneng sa a le ka thuswa phethahatsong ya tshebetso ya lona ke bahlanka le basebetsi ba tshebeletsong ya setjhaba bao Lekgotla la Diphuputso la Temo le dumeletsweng ho ba sebedisa ho latela karolo ya 143a ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba, wa 1984 Molao wa Nomoro ya 111 wa 1984.
nako efe kapa efe ya phomolo ya ho kula kapa ya phomolo e neng e le molemong wa motho ya jwalo pejana a fetisetswa mosebetsing o motjha e tla nkuwa e le nako ya hae eo a lokelang ho e fuwa jwalo ka motho ya sebeletsang Lekgotla.
e Moputso kapa sekepele sa moputso seo ho buuweng ka sona seratswaneng sa d i ha se a lokela hore se fetolwe ntle le tumello e ngotsweng ya motho ya amehang.
f Lekgotla ho latela dipehelano tseo le nahanang hore di lokile, le ka kadimana ka mosebetsi wa Lekgotla la Diphuputso la Temo, bakeng sa tshebetso e itseng kapa bakeng sa nako e itseng, tshebeletsong ya lefapha la Mmuso, mmusong wa naha efe kapa efe kapa wa lebatowa le leng, ho mokgatlo kapa ho motho kahare kapa kantle ho Riphaboliki, ha feela ditokelo tsa mosebetsi ya jwalo, menyetla le melemo eo a nang le yona ho latela dipehelano tsa mosebetsi wa hae jwalo ka mosebetsi wa Lekgotla la Diphuputso la Temo di sa amehe ka tsela e fosahetseng ke kadimano ena: ntle leha mosebetsi a sa kadingwe tshebeletso ya mmuso wa naha e nngwe kapa lebatowa le leng, kapa mokgatlo kapa motho e mong kantle ho Riphaboliki ntle le tumello ya mosebetsi eo.
g Lekgotla la Diphuputso la Temo ka mabaka a Molao wa Letlole la Penshene ya Mekgatlo e Amehang, wa 1963 (Molao wa Nomoro ya 41 wa 1963), le tla nkuwa e le mokgatlo o amehang: Ha feela Lekgotla la Diphuputso la Temo, tlasa Molao wa Letlole la Penshene wa 1956 (Molao wa Nomoro ya 24 wa 1956), le ka theha letlole lefe kapa lefe la penshene kapa matlole bakeng sa basebetsi ba lona: Ha e ba kopo ya tjhelete ya mosebetsi letloleng lena le letjha nakong eo ebang setho sa letlole, e keke ya eba ka tlase ho tjhelete eo mosebetsi ya jwalo a neng a na le yona ka letsatsi le boletsweng ho latela mosebetsi o entsweng ke setho sa letlole sa penshene e tsamaiswang ke Lefapha la Naha la Bophelo bo botle le Ntshetsopele ya Setjhaba leo e neng e le setho sa lona nakong e tlileng pele ho mohla a kenang letloleng le letjha la penshene.
letlole la penshene leo menyetla ya mosebetsi e tlositsweng ho lona le tla lefa letloleng la penshene leo setho se fetohang setho ho lona, tjhelete e lekanang le peresente ya tshehetso ya tjhelete ya letlole le boletsweng pele, e atisitswe ka palo ya tjhelete e badilweng ke ditsebi tsa dipalopalo tsa letlole mabapi le mosebetsi eo letsatsing leo a neng a fetisetswa letloleng le leng ka lona, ho kenyeletswa tswala e badilweng ho latela tswala ya banka ya ho fetiswa ha letsatsai leo ho fihlela letsatsing la tefo.
letlole la penshene leo menyetla ya mosebetsi ya penshene e fetisetswang ho lona le tla nehelana ka tseko tsohle tse teng tseo e ka bang le tsona letloleng la penshene ya mosebetsi enwa ya fetohang setho; mme iv mmuso mabapi le mosebetsi enwa hoba a fetohe setho sa letlole la penshene seratswaneng sa (g) le thehilweng ho latela Molao wa Penshene wa 1956 (Molao wa Nomoro ya 24 wa 1956), o tla lefa letloleng la penshene le jwalo tjhelete e lekanang le phapano e teng dipakeng tsa tjhelete e sebeditsweng ke ditsebi tsa ditjhelete tsa penshene letloleng leo mosebetsi a tswang ho lona tjhelete e lokelang ho lefuwa seratswaneng sa (ii), ha mmoho le tswala e badilweng ho latela tswala ya banka ho tloha mohla a tloswang ho fihlela letsatsing la tefo.
i Dipallo tsa seratswana sa h di tla sebetsa ka ho tlisa diphetoho tse hlokehang ho tsona ha e ba mosebetsi eo mohla a fetiswang mosebetsing wa Lekgotla ho latela seratswana sa d v aa ya kgethileng hore e be setho se sa hlahellang, boemong bo latelang tlasa karolo ya 15A ya Molao wa Dipenshene tse Akaretsang wa 1979 Molao wa Nomoro ya 29 wa 979, a kgethang ho melemo e ileng ya ba teng ya hae ya penshene e fetisetswe letloleng le leng.
i tjhelete e badilweng ke ditsebi tsa dipalopalo ya penshene mabapi le setho se ikgethang kapa sehlopha sa ditho tsa letlole, e bolela tjhelete eo, ho latela ka moo e tsepamisitsweng ke setsebi se laetsweng ke Letona la Naha la Bophelo le Ntshetsopele ya Setjhaba, mabapi le setho seo kapa sehlopha sa ditho tsa lekgotla.
b haha, le etse hore ho hahwe, le reke kapa le hire matlo, diflete kapa meaho ya diflete moo ho tla dula basebetsi ba lona teng, mme le ka rekisa kapa la hirisa matlo ao kapa diflete ho basebetsi, kapa nehelana, la hirisa kapa la sebetsa ka mokgwa o mong ka mtlo, difele kapa meaho eo ya diflete; le c ho theha, ho phetha, ho haha kapa ho hlokomela dipapadi kapa mekgatlo ya boithapollo, dihlopha tsa setjhaba, ditshebeletso tsa setjhaba le tsa bophelo bo botle, direstjurente, dihostele, merero ya dibasari tsa thuso bakeng sa ho ithuta kapa mesebetsi e tshwanang le eo kapa merero eo ho latela maikutlo a lekgotla a ka tswelang basebetsi ba lona molemo.
Diphuputso la Temo a tswa kotsi kapa a tshwaetswa ke bohloko bo itseng a le mosebetsing mme kotsi eo ka ho otloloha e le e bakilweng ke mosebetsi ofe kapa ofe tshebetsong ya hae, Lekgotla la Diphuputso la Temo ka tumello ya Letona eo ho fanweng ka yona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete, boinahanelong ba lona le ka fana ka tefo mothong ya jwalo kapa ha e ba ho ile ha hlaha lefu, la lefa baotlwa ba motho ya jwalo.
Dipallo tsa karolwana ya 3 di keke tsa ama tokelo ya motho ofe kapa ofe hore a tseke ho lefellwa ditshenyehelo tse mabapi le kotsi efe kapa efe kapa bohloko bofe kapa bofe boo ho buuweng ka bona karolwaneng eo.
Tshehetso ya Ditjhelete ya Lekgotla la Diphuputso la Temo. Ditjhelete tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo di tla botjwa ka?
h tswala tjheleteng ya tsetetsweng ke Lekgotla la Diphuputso la Temo.
a Lekgotla la Diphuputso la Temo le tla sebedisa matlole a lona ho lefella ditshenyehelo mabapi le ho phethahatsa mesebetsi ya lona le ho sebedisa matla ao le nang le ona.
b Lekgotla la Diphuputso la Temo le tla sebedisa tjhelete efe kapa efe e lohothwang karolwaneng ya 1 a ho latela tlhaloso ya lona ya ditjhelete tse lebeletsweng hore di kene mokotleng wa lona ha mmoho le ditshenyehelo tseo ho buuwang ka ka tsona karolwaneng ya 3, ho latela kananelo ya Letona: Ha feela ho latela dipallo tsa seratswana sa a, Lekgotla la Diphuputso la Temo le sebedisa tjhelete efe kapa efe kapa karolo efe kapa efe ya tjhelete e hlokehang hore e sebedisetswe sepheo se ikgethang se mabapi le taba e qoholehileng, bakeng sa sepheo sefe kapa sefe se mabapi le taba eo: Ha feela ho feta moo Lekgotla la Diphuputso la Dipatlisiso ka ditherisano le Letona, le ka sebedisa tjhelete efe kapa efe e setseng qetellong ya selemo sa ditjhelete sa Lekgotla la Diphuputso la Temo selemong seo, ho lefella ditshenyehelo tse ileng tsa hlaha ha le ntse le sebedisa matla a lona kapa le etsa mesebetsi ya lona.
c Lekgotla la Diphuputso la Temo le tla sebedisa dithuso dife kapa dife kapa dinyehelo tse lohothwang karolwaneng ya (g) ho latela dipehelano, ha e ba di le teng, tse qobeletsweng ke mofani kapa monyehedi ya amehang.
Letona la Ditjhelete.
b Lekgotla la Diphuputso la Temo le keke la kena ditshenyehelong tsa mofuta ofe kapa ofe tse tlolang tjhelete e ananetsweng tlasa seratswana sa a.
Lekgotla la Diphuputso la Temo mabapi le mosebetsi ofe kapa ofe o entsweng kapa ditshebeletso tse entsweng ke lona tlasa Molao ona, kapa bakeng sa tshebediso ya menyetla ya bona kapa ditokelo tse tswalwang ke ditshibollo dife kapa dife, tseo ba di qapileng kapa dintlafatso, ba na le hona ho ka beha tefo kapa ho etsa ditlhophiso tse ding ho latela ka moo ba bonang ho hlokeha ka teng.
a Lekgotla la Diphuputso la Temo le ka nna la tsetela karolo ya matlole afe kapa afe a yona Koporasing ya moo Setjhaba se thesemetsang ditjhelete tsa sona teng e thehilweng ka karolo ya 2 ya Molao wa Koporasi ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1984 Molao wa Nomoro ya 46 wa 1984, kapa ho latela kananelo ya Letona la Ditjhelete, Lekgotla le ka sebedisa tjhelete eo ka mokgwa ofe kapa ofe o mong.
b Lekgotla la Diphuputso la Temo le ka nna la theha mokotlana wa matlole a ditjhelete o beheletsweng ka thoko mme le thesemetse tjhelete tsa lona teng tse jwalo ka tse ka ananelwang ke Letona, le sebetsang ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Seratswana sa (c) se ekeditseng ke s.3 sa Molao wa Nomoro ya 174 wa 1993.
Mohlanka ya ikarabellang ditjheleteng.- Presidente e tla ba mohlanka ya ikarabellang ya fuweng boikarabelo ba ditjhelete kaofela tse amahetsweng, tshebediso ya tsona le ho sebedisa ha mmoho le ho hlokomela thepa ya Lekgotla la Diphuputso la Temo.
Mohlanka ya ikarabellang o tla etsa hore direkoto tsa diakhaonte di bolokwe jwalo ka ha di hlokeha ho bontsha boemo ba ditaba hantle le kgwebo ya Lekgotla la Diphuputso la Temo le ho hlalosa tshebediso le boemo ba ditjhelete ba kgwebo ya Lekgotla la Diphuputso la Temo.
Pehelo ya selemo, ya ditjhelete le tlhakiso ya dibuka.- Mohlakisi ya Akaretsang o tla hlakisa dibuka tsa ditjhelete, ditatementee tsa diakhaonte le ditatementee tsa selemo tsa ditjhelete tsa Lekgotla la Diphuputso tsa Temo mme o tla nehelana ka khopi ya pehelo ya hae ka tlhakiso ya ditatementee tse boletsweng tsa Lekgotla.
Poloko, pokeletso le kgatiso ya ditatementee tsa selemo tsa ditjhelete tsa khampani tseo ho buwang ka tsona karolong ya (m)(iii) e tla etswa ho latela dipallo tsa Molao wa dikhampani, wa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa 1973): Ha feela Mohlakisi ya Akaretsang a sa tehelo thoko dipallo tsa Kgaolo ya X ya Molao wa Dikhampani wa 1973, o tla hlakisa ditatementee tsa ditjhelete tsa selemo tsa khampani e jwalo, mme o tla nehelana ka dikgatiso tsa ditatementee tsa selemo tse jwalo ho Letona, nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka morao hoba selemo sa ditjhelete se amehang se fele.
d pehelo ya bahlakisi.
c di tla bontsha ntlha efe kapa efe e loketseng e sa qaqiswang hantle ke Molao o amang kapa o nang le monyetla wa ho ama ditaba tsa Lekgotla la Diphuputso la Temo, ka tsela ya dipalo le ka pehelo e hlalositsweng, o matlafatsang le ho hlalosa, moo ho hlokehang, le dipalo ditatementeeng tsa ditjhelete.
Pehelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 3 e tla hatiswa ka dipuo tse pedi tsa molao.
Ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng ka morao hoba tlaleho e tekwe ka pele ho Letona ho latela karolwana ya 3, o tla nehelana ka yona Palamenteng.
Ho fumana tse lahlehileng le tse senyehileng.
Lekgotla la Diphuputso la Temo hobane a?
e na le boikarabelo kapa a ile a ba le boikarabelo ba tseko e tobileng Lekgotla la Diphuputso la Temo ka lebaka la tlholeho ya ho phetha mesebetsi ya hae, mohlanka ya ikarabellang ditjheleteng o tla beha tjhelete ya tahlehelo e jwalo kapa ya tshenyo, mme a ka laela hore motho eo, ka tsebiso e ngotsweng fatse, a lefe Lekgotla la Diphuputso la Temo, nakong ya matsatsi a 30 ho tloha ka letsatsi la tsebiso, tjhelete eo kaofela kapa karolo efe kapa efe ya tjhelete e behilweng.
Ha motho ya sebetsang Lekgotleng la Diphuputso la Temo eo ho ya ka karolwana ya a ile a laelwa ho lefa tjelete e itseng, a hloleha ho lefa tjhelete eo nakong e boletsweng tsebisong eo, tjhelete eo ho latela dipallo tsa karolwana ya , le , e tla hulwa moputsong wa hae wa kgwedi le kgwedi: Ha feela ho hulwa hoo kgweding efe kapa efe ho keke ha tlola karolo ya bone ya moputso wa hae wa kgwedi.
Ha motho ya neng a sebeletsa Lekgotla la Diphuputso la Temo eo ho latela karolwana ya a ile a laelwa ho lefa tjhelete e itseng, mme a hloleha ho lefa tjhelete eo nakong e behilweng tsebisong eo ho fanweng ka yona, mohlanka ya ikarabellang ditjheleteng, ka ho ikamahanya le dipallo tsa karolwana ya , le , o tla etsa hore a fumane tjhelete mothong eo ka tsela ya molao.
Ha motho eo ho latela karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa tjhelete e itseng, a dumela ho lefa tjhelete eo ka diqonwana, nakong e behilweng tsebisong eo ho fanweng ka yona, mohlanka ya ikarabellang ditjheleteng a ka nna a dumela hore tjhelete eo e lefuwe ka diqononwa tseo mohlanka ya ikarabellang a tla amohela hore di a utlwahala.
Motho eo ho latela karolwana ya 1 a laetsweng ho lefa tjhelete e itseng nakong ya matsatsi a 30 ho tloha mohla taelo e jwalo a ka etsa boipiletso ka ho ngola mme a ipelaetsa ka taelo e jwalo ho Lekgotla, a tshetleha mabaka a boipiletso ba hao, jwale Lekgotla ka morao ho diphuputso tseo le tla hloka hore di etswe, le ka qhala boipiletso kapa la laela hore molli a seke a jariswa boima ba molato, mohlomong ba molato ka ho phethahala kapa karolo ya molato, ho latela ka moo Lekgotla le tla fumana ho loketse ebile ho utlwahala ka teng, tefong ya molato o jwalo.
Motho eo ho latela karolwana ya 1 a ileng a laelwa ho lefa tjhelete e itseng, mohlomong ho e na le hore a etse boipiletso Lekgotleng tlasa karolwana ya , a ka etsa kopo nakong ya matsatsi a 30 ho tloha mohla taelo e jwalo e neng e ntshuwa, kapa nakong e nngwe e morao eo lekgotla la dinyewe le tla e dumella, lekgotleng le nang le bokgoni la dinyewe hore le ntshe taelo e qhelelang thoko taelo e jwalo e neng e ile ya hlaloswa pele kapa le fokotse tjhelete, mme lekgotla la dinyewe kopong e jwalo, ha e ba le sa kgodiswa ke mabaka a tshetlehilweng ke mohlanka ya ikarabellang ditjheleteng a hore taba ya taelo ena e entswe hantle kapa hore tjhelete e nepahetse, le ka etsa taelo e qhelelang ka thoko taelo e jwalo e neng e hlalositswe pele kapa taelo e fokotsang tjhelete, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng.
b batho ba thusang Lekgotla la Diphuputso la Temo ka dipatlisiso kapa diphuputso; kapa c batho ba fuweng dibasari kapa ditjhelete tsa dithuso ke Lekgotla la Diphuputso la Temo ba tla tsetela Lekgotleng la Diphuputso la Temo.
Lekgotla la Diphuputso la Temo le ka etsa hore ditshibollo, boiqapelo le dintlafatso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya di fumanehe bakeng sa ho sebedisetswa molemo wa setjhaba ho latela dipehelano le tefo ya ditefello le tjhelete ya ditokelo ho latela ka moo Lekgotla la Diphuputso la Temo le tla tsepamisa ka teng.
Lekgotleng la Diphuputso la Temo ho latela karolwana ya , Lekgotla le ka nna la abela motho ya nang le boikarabelo tshibollong eo, boiqapelong boo kapa ntlafatsong eo tjhelete ya teboho (bonase) ho latela ka moo le tla bona ho hlokeha ka teng, kapa le etse monyetla wa hore motho ya jwalo a fumane phaello tsa ditjhelete tse fumanwang ka tshibollo eo, boiqapelo bo jwalo kapa ntlafatso e jwalo ho ya ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng ka therisano le Letona la Ditjhelete.
Lekgotla la Diphuputso le ka etsa kopo ya tshireletso ya thuo ya tshibollo efe kapa efe, boiqapelo kapa ntlafatso eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya , mme ka mabaka a Molao wa tshireletso ya thuo wa 1978 (Molao wa Nomoro ya 57 wa 1978), le Molao wa Ditokelo tsa Balemi ba Dimela wa 1976 (Molao wa Nomoro ya 15 wa 1976), le tla nkwa e le moabi wa mosibolli kapa moqapi eo ya teng.
Ntle le moo ho dumellanweng teng ka mokgwa o mong, ditokelo mabapi le tshibollo, boiqapelo kapa ntlafatso e ntsweng ke Lekgotla la Diphuputso nakong ya dipatlisiso kapa lebitsong la motho e mong, mokgatlo, mmuso kapa tsamaiso ba tla tsetela Lekgotleng la Diphuputso la Temo.
c nakong ya dipatlisiso dife kapa dife kapa ya diphuputso ha a ntse a thusa Lekgotla la Diphuputso la Temo; kapa d nakong ya diphuputso dife kapa dife tseo nakong ya tsona a fumanang basari kapa tjhelete ya thuso Lekgotleng la Diphuputso la Temo, le eo e sa hokahaneng ka letho le mosebetsi o jwalo, dipatlisiso kapa diphuputso.
Melawana.- Letona ka morao hoba le rerisane le Lekgotla, le ka etsa melawana e mabapi le?
Seratswana sa (aB) se kentsweng ke s.
f mehato e mabapi le ditletlebo ha mmoho le dikopo tsa basebetsi, le ka kakaretso, taba efe kapa efe e mabapi le eo Letona ka morao hoba le tshware ditherisano le Lekgotla, le nkang e le ya bohlokwa kapa e loketseng hore e etsetswe melawana e le hore ho tle ho fihlelwe maikemisetso a Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o tlasa karolwana ya 1 o ka nna wa etsa monyetla wa hore motho ofe kapa ofe ya o tlolang kapa ya hlolehang ho ikamanya le dipallo tsa ona a fumanwe a le molato ebile a lokelwa ke kotlo e sa tloleng R2 000 kapa ho hlahlelwa teronkong nakong e sa feteng dikgwedi tse tsheletseng.
Ho aba mosebetsi .- Lekgotla le ka a abela kapa la tshwaela mosebetsi modulasetulo kapa setho sefe kapa sefe se seng sa Lekgotla, kapa motho ya tshwareng mosebetsi wa kantoro , Lekgotleng la Diphuputso la Temo kapa ho komiti e thehilweng ho latela karolo ya 17 1, matla afe kapa afe a fuweng Lekgotla ke kapa a fuweng lekgotla tlasa Molao ona; kapa b fana ka matla ho modulasetulo kapa setho sefe kapa sefe sa Lekgotla, presidente kapa mosebetsi ofe kapa ofe, kapa motshwari wa kantoro le, Lekgotla la Diphuputso la Temo kapa komiti e thehilweng tlasa karolo ya 17 1, ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Lekgotla ka molao kapa tlasa Molao ona.
a tshwaela mosebetsi mosebeletsi e mong, kapa motshwari wa Kantoro le Lekgotla la Diphuputso la Temo, matla afe kapa afe a fuweng presidente ke kapa tlasa Molao ona boemong ba hae jwalo ka presidente kapa mohlanka ya ikarabellang; kapa b fana ka matla a hore mosebetsi kapa motshwari wa kantoro a etse mosebetsi ofe kapa ofe o abetsweng presidente ka kapa tlasa Molao ona boemong bona bokgoning bo boletsweng.
Kabo efe kapa efe ya mosebetsi tlasa karolwana ya 1 le ya 2 e ka etswa ho latela dipehelano tse jwalo le dithibelo ho latela ka moo Lekgotla kapa presidente ba ka behang dintho ka teng, ho latela ka moo ditaba di ka bang ka teng, mme kabo e jwalo e ka hulwa ke Lekgotla kapa presidente, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng.
Lekgotla le presidente ba keke ba nkelwa matla afe kapa afe ao ho nehelanweng ka ona tlasa karolwana ya le ya ke lekgotla kapa ke presidente, mme le ka fetola kapa la kgutlisa qeto efe kapa efe e entsweng ha ho ne ho sebediswa matla ao ho fanweng ka ona a jwalo.
Ho fetisetswa ha maruo le matlole ho Lekgotla la Diphuputso la Temo.- Letona, ka ho rerisana le Letona la Ditjhelete, le ka fetisetsa thepa efe kapa efe e kgonang ho suthiswa kapa e sa kgoneng ho ka suthiswa eo eleng ya Mmuso hore e fuwe Lekgotla la Diphuputso la Temo ho le kgothaletsa ho etsa mesebetsi ya lona kapa ho fihlella maikemisetso afe kapa afe a lona.
Ha ho thepa e sa kgoneng ho suthiswa e fetiseditsweng Lekgotla la Diphuputso la Temo ho latela karolwana ya 1, eo ntle le kananelo ya Letona, eo ho fanweng ka yona ka ditherisano le Letona la Ditjhelete, e ka kgethollwang, ya behwa paneng bakeng sa molato o entsweng kapa eo ho ka fanwang ka yona ka mokgwa ofe kapa ofe.
a Tjhelete kaofela kapa karolo e sa sebediswang ya ditjhelete le tswala ya yona, e kentsweng Akhaonteng ya Temo ya Diphuputso e thehilweng tlasa karolo ya 2 ya Molao wa Diakhaonte tsa Temo tsa Diphuputso, wa 1964 (Molao wa Nomoro ya 37 wa 1964), le Akhaonte ya Kwae ya Diphuputso le Akhaonte ya Waene ya Diphuputso e thehilweng tlasa karolo ya 2 ya Molao wa Akhaonte ya Diphuputso tsa Kwae le Waene wa 1960 (Molao wa Nomoro ya 37 wa 1960), letsatsing le tla behwa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso, mme ho tloha mohla letsatsi leo e tla fetisetswa Lekgotleng la Diphuputso la Temo ka lona.
b Pehelano efe kapa efe e hoketsweng tjheleteng e nngwe le e nngwe akhaonteng tsa diphuputso tseo ho buuwang ka tsona seratswaneng sa a, e tla dula e ntse e na le matla a tshebetso mme e tla hlomphuwa ke Lekgotla la Diphuputso la Temo, le tjhelete ya letlole e ka thoko eo ho lohothwang ka yona karolong ya 20 5 b, e tla thehwa ho latela tjhelete e nngwe le e nngwe e jwalo.
c Mabapi le ditjhelete tse Akhaonteng ya Temo ya Diphuputso eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa a eo ho se nang dipehelano tse hokeletsweng ho yona jwalo ka ha ho buuwa seratswaneng sa b, tjhelete ya letlole le leng le ka thoko ho latela ka moo ho lohothwang ka teng karolong ya 20 5 b e tla thehwa.
Mongodisi ho ya ka moo a hlalositsweng ka teng karolong ya 102 ya Molao wa Ngodiso ya Thuo ya Thepa, wa 1937 Molao wa Nomoro ya 47 wa 1937, ka morao hoba Letona le teke ka pele ho yena setifikeiti hore tokelo ya sebele e mabapi le thepa e sa suthiseheng e hlalositsweng setifikeiting se jwalo e fumanwe ke Lekgotla la Diphuputso la Temo, o tla ngodisa ntlha eo e jwalo kapa a etse phetoho tseo a tla fumana hore ho hlokeha hore di etswe rejistareng efe kapa efe e loketseng kapa tokomaneng e nngwe kantorong ya hae kapa e behilweng ka pele ho yena, ka morero wa ho ngodisa tokelo e jwalo lebitsong la Lekgotla la Diphuputso la Temo, mme ha ho tefello ya setempe, ya kantoro kapa tefello e nngwe e tla lefuwa mabapi le ngodiso.
Diteraeke.- Letona le ka etsa tsebiso Koranteng ya Mmuso ho thibela diteraeke tsa basebetsi ba Lekgotla la Diphuputso la Temo mme la qobella dikotlo le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
Ho hlakolwa ha melao.- Molao wa Diakhaonte tsa Diphuputso tsa Kwae le Waene wa 1960 (Molao wa Nomoro ya 60 wa 1960), Molao o Fetotsweng wa Diakhaonte tsa Diphuputso tsa Kwae le Waene wa 1972 (Molao wa Nomoro ya 35 wa 1972), Molao wa Akhaonte ya Diphuputso tsa Temo wa 1964 (Molao wa Nomoro ya 37 wa 1964) le Molao o Fetotsweng wa Akhaonte ya Duphuputso tsa Temo wa 1972 (Molao wa Nomoro ya 37 wa 1972), kaofela e a hlakolwa mona.
Sehlooho se sekgutshwanyane le qaleho.- Molao ona o tla bitswa Molao wa Diphuputso wa Temo wa 1990, mme o tla sebetsa letsatsing le tla behwa ke Mopresidente wa Naha ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso.
Ho ka nna ha behwa matsatsi a fapaneng a dipallo tse fapaneng tsa Molao ona.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA KGOTHALE (1).txt</fn>
Ho kenya tshebetsong karolo ya 9 e balwa le karolwana ya 23 ya Shejulu ya 6 ya Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996, bakeng sa ho thibela le ho hanela kgethollo e leeme mmoho le tlhekefetso; ho kgothaletsa tekano le ho qeta kgethollo e leeme; ho thibela le ho hanela dipuo tsa lehloyo; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le hoo.
Afrika Borwa hape e na le ditlamo tsa matjhaba lekaleng la ditokelo tsa botho tse kgothaletsang tekano mme le thibela kgethollo e leeme.
K. ya 16 e nkelwa sebaka ke k. ya 1 ya Molao wa 52 wa 2002.
K. ya 31 e nkelwa sebaka ke k. ya 3 ya Molao wa 52 wa 2002.
Tlhaloso ya ''thobalano' e kentswe ke k. 16 (b) Molao wa 22 wa 2005.
Molao ona' o kenyelletsa molawana ofe kapa ofe o entsweng ka ho ya ka Molao ona.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 1: 1 Loetse 2000.
h ho thusa ho ntshetsa pele mokgwa wa tatelo ya ditlamo tsa melao ya matjhaba ho kenyelletswa le ditlamo tsa selekane ka ho ya ka, hara tse ding, Seboka sa Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo ya Borabe le Seboka sa Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo Kgahlanong le Basadi.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 2: 1 Loetse 2000.
b Tlhekelo, maikemisetso le metheo e tataisang ya Molao ona, ka ho phethahatsa moya, sepheo le maikemisetso a Molao ona.
c molao o tshwanang wa matjhabeng.
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang kapa ya hlalosang Molao ona o lokela ho ela hloko moelelo wa ngangisano le sepheo sa Molao ona.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 3: 1 Loetse 2000.
e ntshetsopele ya botsebi le bokgoni bo ikgethang bakeng sa batho ba sebedisang Molao ona ho netefatsa hore o kengwa tshebetsong le ho tsamaiswa hantle haholo.
a Ho ba teng ha kgethollo e latelang mokgwa o itseng le ho se lekane, haholoholo tabeng tsa borabe, bong le kgolofalo maemong ohle a bophelo ka baka la kgethollo e leeme ya nakong e fetileng le ya ha jwale, e tlisitsweng ke bokoloniale, aparteite le hore matla ohle a be bathong ba banna; le b tlhokeho ya ho nka mehato maemong ohle ho fedisa kgethollo le ho se lekane hoo.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Molao ona o tlama Mmuso le batho bohle.
Ha ho ka ba le kgohlano efe kapa efe e amanang le taba e leng Molaong ona, e leng e tla hlahella pakeng tsa Molao ona le dipehelo tsa molao ofe kapa ofe o mong, ntle le Molao wa Motheo kapa Molao wa Palamente o fetolang Molao ona, dipehelo tsa Molao ona ke tsona tse lokelang ho sebetsa.
Molao ona ha o sebetse ho motho ofe kapa ofe eo, le boholo ba Molao wa Tekano Mosebetsing, 1998 Molao wa 55 wa 1998, o sebetsang.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 5: 1 Loetse 2000.
Mmuso kapa motho ofe kapa ofe ha a tshwanela ho kgetholla ka leeme kgahlanong le motho ofe kapa ofe.
Mohla wa ho kena tshebetsong ha k. 6: 1 Loetse 2000.
e kganyetso ya phihlelo ya menyetla, ho kenyelletswa le phihlelo ya ditshebeletso kapa menyetla ya ditumellano tsa ho fana ka ditshebeletso tsa ho ela hloko, kapa ho hloleha ho nka mehato ya ho amohela ditlhoko tsa batho ba jwalo ka mokgwa o utlwahalang.
i mokgwa wa ho se lekane ditabeng tsa ho fihlela menyetla ke basadi ka lebaka la karohano ya ho ya ka bong mosebetsing.
c ho hloleha ho fedisa ditshita tse behang meedi e leeme kapa tse sitisang motho ya holofetseng ka mokgwa o leeme hore a se natefelwe ke menyetla e lekanang kapa ho hloleha ho nka mehato e utlwahalang e tla akaretsa ditlhoko tsa batho ba jwalo.
c kgothaletsang kapa a susumetsang hore ho be le lehloyo.
Ntle le ho kgetholla mekgwa efe kapa efe ya tokiso ya mofuta wa boahi tlasa Molao ona, lekgotla le ka re, ka ho ya ka karolo ya 21 2 n le moo ho tshwanetseng, la romela taba efe kapa efe e buwang ka phatlalatso, tshehetso, ho hasa kapa ho bua ka dipuo tsa lehloyo jwalo ka ha ho lohothwa karolwaneng ya 1, ho Molaodi wa Botjhotjhisi ba Setjhaba bo nang le matla a ho qala nyewe ya botlokotsebe ka ho ya ka molao wa tlwaelehileng wa common law kapa melao e tshwanetseng.
Ha ho motho ya lokelang ho hlekefetsa motho ofe kapa ofe e mong.
b phatlalatsa kapa a pepesa papatso efe kapa efe kapa tsebiso, tse ka nkuwang ka mokgwa o utlwahalang kapa tsa utlwisiswa di bontsha maikemisetso a hlakileng a ho kgetholla ka leeme kgahlanong le motho ofe kapa ofe: Ha fela tshebetso eo e bona fide ya tshibollo ya bonono, dipatlisiso tsa akademiki le tsa saense, tlaleho e se nang leeme hape e nepahetseng molemong wa setjhaba kapa phatlalatso ya tlhahisoleseding efe kapa efe, papatso kapa tsebiso ka ho ya ka karolo ya 16 ya Molao wa Motheo, ha e thibelwe ke karolo ena.
a moarabi o tshwanetse ho hlahisa bopaki, dintlheng tse ka pela lekgotla, hore kgethollo ha ya ba teng jwalo ka ha ho na le menyenyetsi; kapa b moarabi o tshwanetse ho hlahisa bopaki ba hore boitshwaro ha bo a thehwa hodima le leng kapa a mang a mabaka thibetsweng.
i ha bo bong kapa a mang a maemo a beuweng temaneng ya b ya tlhaloso ya 'mabaka thibetsweng' a ka hlwauwa; le ii ntle le ha ebe moarabi o hlahisa bopaki ba hore kgethollo eo ha e leeme.
Ha se kgethollo e leeme ho nka mehato e radilweng bakeng sa ho sireletsa kapa ho ntshetsa pele batho kapa dihlopha tsa batho ba tinngweng menyetla ke kgethollo e leeme kapa ditho tsa dihlopha tse jwalo kapa dihlopha tsa batho.
c hore na kgethollo e fapanya ka mokgwa o utlwahalang hape o ka lokafatswang pakeng tsa batho ka ho ya ka mekgwa e ka hlwayang, e leng ya bohlo Ketsong e amehang.
i rarolla ho tingwa ha menyetla ho ba ng kapa ho amanang le e nngwe kapa a mang a mabaka thibelo; kapa ii ho ananela ho fapafapana.
Tabeng ya dipuo tsa lehloyo le tlhekefetso karolo ya 14 ha e sebetse.
Ka ntle ha eba ditsamaiso dife kapa dife tse teng pele ho lekgotla la tekano a sa phethelwang ka nako eo ya phatlalatso ya tsebiso Koranteng ya Mmuso jwalo ka ha ho nahannwe temaneng ena, e phethelwe ke lekgotla leo, e ka tsebiso e jwalo ha e eso phatlalatswe, mme.
Temana ya (c) e emetswe ke s. 28 ya Molao wa 55 wa 2003.
d hlooho ya lebatowa la taolo le rerile temaneng ya c e lokela ho, ho ya ka karolwana ya 2, e hlwauwe ka ho ngolla makgisetareta ofe kapa ofe kapa makgisetereta e mong hape e le mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano.
a pele ho mohla wa ho qala wa karolo ya 31; kapa b e le e nahannweng karolong ya 31 4, eo lebitso la hae le kenyeleditsweng lenaneng le nahannweng karolwaneng ya (a), e ka nna ya hlwauwa jwalo ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya.
a phetha ka mabaka ohle ho ya ka mehlodi e teng ho hlwaya mohlanka wa mmuso ya okametseng bonyane a le mong feela ho ba lekgotleng la tekano sebakeng sa hae sa puso ya molao; le b ka ntle ho tieho, Molaodi Kakaretso wa Lefapha wa moahlodi, makgisetareta kapa makgisetaretata ya kenyeleditsweng ofe kapa ofe ya phethileng dithuto tsa thupelo jwalo ka ha ho nahannwe karolong ya 31 4 le 5 kapa ya hlwailweng ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya 1.
a phethileng thuto ya thupelo jwalo ka h a e nahannwe karolong ya 31 4 le 5; kapa b hlwailweng e le mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya 1.
Mohlanka wa mmuso o lokela ho phetha mesebetsi a be a sebedise matl a o a nang le ona ho ya ka Molao ona kapa molao o mong hape.
Ditlelereke tsa makgotla a tekano a Ho ya ka karolwana ya 2 le melao e busang tshebeletso ya setjhaba, Molaodi Kakaretso wa Lefapha a ka nna a , mabapi le lekgotla le leng le le leng la tekano, kgetha kapa ho hlwaya mohlanka wa mmuso a le mong kapa ba bangata Lefapheng, kapa a ka nna a kgetha motho kapa batho ba bangata ka ho ballwa le ka mabaka balletsweng, e le ditlelereke tsa lekgotla la tekano, ba lokelang ho thusa lekgotla ka kakaretso leo ba sebetsang ho lona ho phetheng mesebetsi ya lona le ba lokelang ho phetha mesebetsi jwalo ka ha e balletswe.
Temana ya (a) e emetswe ke s. 2 (a) Molao wa 52 wa 2002.
b Ha eba tlelereke ya lekgotla la tekano a ka hloleha ho ya ka mabaka fe kap a fe ho sebetswa jwalo kapa ha ho se na tlelereke e sa kgethwang kapa ya hlwauwa mabapi le lekgotla la tekano lefe kapa lefe ho ya ka temana ya a, mohlanka wa mmuso y a mehang a ka nna a re, le ka ntle ho karolwana ya 2, kgetha mohlanka wa mmuso ofe kapa ofe ya kgonang Lefapheng hore a sebetse e le tlelereke sebakeng sa e mong ha feela tlelereke eo ho buuwang ka yona e sitwa ho sebetsa kapa ho fihlela tlelereke e kgethwa ho ya ka temana ya a, jwalo ka ho ka etsahala.
Temana ya (b) e emetswe ke s. 2 (a) Molao wa 52 wa 2002.
a pele ho mohla qalo ya karolo ya 31; kapa b jwalo ka ha ho rerilwe karolong ya 31 6, le eo lebitso la hae le kenyeleditsweng lenaneng le rerilweng karolwaneng ya , a ka kgethwang kapa a hlwauwang jwalo ho ya ka karolwana ya (a).
Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 2 (b) ya Molao wa 52 wa 2002.
a phethileng dithuto tsa thupelo jwalo ka ha di rerilwe karolong ya 31 6; kapa b hlwailweng kapa a kgethilwe e le tlelereke ya lekgotla la tekano ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya 1 a.
Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 2 (b) Molao wa 52 wa 2002.
Molaodi Kakaretso a ka nna a re, ho ya ka maemo ao a k a lekanyetsang, ka ho ngolla moromowa ho mo fa matl a fe kap a fe ao a nang le ona ke karolo ena ho mohlanka wa mmuso ya thotsweng ke Lefapha, empa a ke ke a fuwa matla afe kapa afe ao a filweng, mme a ka fetola kapa a behela ka thoko qeto efe kapa efe ya moromuwa ka ho phethisa matla a hae a jwalo.
Karolwana ya e kenyeleditsweng karolong ya 29 ya Molao wa 55 wa 2003.
Ho ba teng ha dipaki le tefello ya dinyeweng tse bang teng ka lebaka la ho sebediswa ha Molao ona e lokela ho lekanyetswa ke Letona ka tsela e balletsweng.
e sebaka sa puso ya molao, ho ya ka karolwana ya 3, ho ya ka hore ha ho thuso efe kapa efe e entsweng melawaneng e karolong ya 30 ya Molao ona.
Ditsamaiso tsohle tse ka lekgotleng di lokela ho tsamaiswa pepeneneng ya lekgotla, ka ntle ha lekgotla le eletsa ka tsela e nngwe ka ho sireletsa ditabatabelo tsa taolo ya toka.
a Ho ya ka temana ya b, ha ho letho Molaong ona le thibelang ho ba teng ha lekgotla la makgisetareta e le lekgotla la tekano ho tloha ho etseng taelo e rerilweng karolong ya 21 2, e fetang sebaka sa puso ya molao sa ditjhelete sa lekgotla la makgiseterata, leo ka lebaka lena le lokelang ho nyehelwa ka mokgwa o balletsweng moahlodi wa Lekgotla le Phahameng ya nang le matl a molao ho tiisa.
b Mosebetsi wa temana ya a, o tsamaelanang le tiiso ya taelo, o fanyehilwe ho fihlela boipiletso bofe kapa bofe bo rerilweng karolong ya 23 bo phethelwa.
f Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, kapa Khomishene ya Ho Lekana ha Bong.
Motho ya batlang ho kenya nyewe mabapi le dipehelo tsa kapa ho ya ka Molao ona o lokela ho, ho ya ka moo ho balletsweng ka teng, tsebisa tlelereke ya lekgotla la tekano ka maikemisetso a hae a hore o batla ho etsa jwalo.
a Tlelereke ya lekgotla la tekano o lokela ho, ho ya ka nako e balletsweng ya ho amohela tsebiso e jwalo, a lebise taba eo ho mohlanka wa mmuso ya okametseng wa lekgotla la tekano wa taba ena, eo a tlamehang ho, ho ya ka nako e balletsweng, a etse qeto ya hore ebe taba ena e tla iswa lekgotleng la tekano kapa e lokela ho lebiswa institjhusheneng e nngwe e loketseng, mokgatlo, lekgotla, lekgotla le ikgethileng kapa sebaka sefe kapa sefe seo ho thweng ke sebaka se seng hape seo, ho ya ka maikutlo mohlanka wa mmuso ya okametseng, se ka sebetsang ka nepo ho fetisa ka taba ho ya ka dipehelo tsa matl a sebaka se seng hape le mesebetsi ya sona.
b Ha e ba mohlanka wa mmuso ya okametseng a etsa qeto ya hore nyewe e iswe lekgotleng la tekano, mohlanka wa mmuso ya okametseng a lebise taba eo ho tleIereke ya lekgotla la tekano eo a tlamehang hore ho ya ka nako e balletsweng a bolele mohla oo wa ho iswa ha nyewe kgotla.
e maikutlo a moemedi wa mmuso sebakeng sefe kapa sefe se seng hape.
a Ha mohlanka ya okametseng a etsa qeto ya hore taba e romelwe foramong e nngwe hape moo e tla reng, ka ho latela mokgwa o beuweng, a etse ditaelo, a laela tlelereke ya lekgotla la tekano ho fetisetsa taba foramong e nngwe e boletsweng taelong.
b H a etsa taelo eo ho buuwang ka yona temaneng ya a, mohlanka ya okametseng a ka hokela taelong ditshwaelo dife kapa dife tseo a bonang di hlokeha bakeng sa kelo hloko ya foramo e nngwe.
H a fumana taelo eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 5, tlelereke ya lekgotla la tekano o lokela ho fetisa taba eo mme a tsebise b a mehang tabeng eo ka ho ya ka mokgwa o beuweng.
Ha e fumana taba eo e fetiseditsweng ho yona, foramo e nngwe eo ho buuwang ka yona e lokela ho sebetsana le taba eo ka potlako ka ho ya ka matla le mesebetsi ya yona.
Foramo e nngwe e lokela hore, ka mokgwa o beuweng, e romele taba morao lekgotleng la tekano e leng moo e ileng ya romelwa ho tswa teng, bakeng sa kahlolo, ka nako e beuweng ho tloha mohlang e kgutliseditsweng ka ona lekgotleng la tekano.
Puso le ditheo tsa molao wa motheo di tshwanetse ho re ha ho kgoneha, di thuse motho ofe kapa ofe ya ratang ho bula nyewe ka ho ya ka Molao ona mmoho le ka tlasa ona, mme hara tse ding, ka ho etsa bonnete ba hore motho eo o romelwa dibakeng tse tshwanetseng tsa tshebetso moo a tla nka mehato e hlokehang ho ntshetsa pele taba ya hae.
Lekgotla la tekano le mametseng nyewe ka ho ya ka Molao ona kapa ka tlasa ona, le tshwanetse ho tshwara dipatlisiso ka mokgwa o beilweng le ho hlwaya hore na kgethollo e leeme, puo ya lehloyo kapa tlhoriso di bile teng jwalo ka ho builwe.
p taelo ya ho latela dipehelo dife kapa dife tsa Molao.
Taelo e ntshitsweng ke lekgotla la tekano ka mabaka kapa ka tlasa Molao ona le sephetho se tshwanang sa taelo ya lekgotla leo, ha e ntsheditswe phapang hare ha baahi, moo ho tshwanetseng.
b ho mamelwa ha dinyewe dife kapa dife tse ka pela yona institjhusheneng ya molao wa motheo e tshwanetseng kapa lekgotla le tshwanetseng, hore le kene dipakeng, le tlise poelano kapa le rerisane.
Lekgotla le na le matla a tlatselletso a hlokehang kapa a bohlokwa phethahatsong ya mesebetsi ya yona le tshebedisong ya matla a yona, ho akaretswa le matla a ho fana ka ditaelo tsa lona kapa thibelo.
Balekodi mamelong ya dinyewe dife kapa dife ka ho ya ka, le ka tlasa Molao ona, lekgotla le ka nna la kopa se seng sa dihlopha, kapa ka bolona, la neha mohlanka ya tshwereng marapo ka ho ya ka tshebetso tsa toka, la kopa hore le thuswe ke motho a le mong kapa ba babedi ho sebetsa jwalo ka balekodi.
Balekodi ba beilweng ho ya ka karolwana ya 1 ho setswe morao karolwana ya 3, ba nkuwa e le ditho tsa lekgotla ka tlasa Molao ona.
Ntlha efe kapa efe ya molao e hlahellang bakeng sa qeto ka yona mamelong, le potso efe kapa efe e batlang qeto ya hore a ntlha e batlang qeto a ke ntlha ya sebele kapa ke ntlha ya molao, e tshwanetse ho nkwa qeto ke mohlanka ya tshwereng marapo ka mokgwa o beilweng.
Dintlheng tsa sebele, se fihletsweng kapa qeto ya bongata ba ditho tsa lekgotla e tla ba se fihletsweng le qeto ya lekgotla, mme ha ho na le molekodi a le mong, se fihletsweng ke lekgotla kapa qeto ya lekgotla e tla rena.
laela hore mamelo tsa dinyewe di qale botjha; kapa iii busetsa mamelo ya dinyewe morao ha molekodi a le siyo ho fihlela a ba teng.
b Mohlanka ya tshwereng marapo o tshwanetse ho fana ka mabaka a taelo efe kapa efe e lohothwang temaneng ya i kapa ya ii.
i ha setho seo mamelong ya nyewe se sa thuswe ke moemedi wa semolao, le ii ha mohlanka ya tshwereng marapo a bona hore balekodi ba jwalo ba entse phihlelo e ka bophepa se seng yona.
b Tlelereke ya lekgotla la tekano e tshwanetse hore ka bonako bo ka kgonehang e fe mabaka le rekoto lekgotleng la boipiletso hore ho be le mokgwa o beilweng.
c Lekgotla la boipiletso le na le matla a ho hlomamisa diphihlelo tse jwalo kapa ho ntsha taelo e tshwanetseng mabapi le diphihlelo tseo, tseo ka ho ya ka mohopolo wa lekgotla la boipiletso di neng di tshwanetse ho ntshwa.
Motho ofe kapa ofe ya ngongoreho ke taolo ya lekgotla ya tekano ka mabaka a ka tlasa Molao ona, a ka nna re nakong le ka mokgwa o tla behwa, a ipiletsa kgahlanong le taolo e jwalo Lekgotla le Phahameng le nang le taolo kapa Lekgotla le Phahameng ya Boipiletso, ho ya ka moo mabaka a leng ka teng.
Ha ho ipiletswa, Lekgotla le Phahameng kapa Lekgotla le Phahameng ya Boipiletso, ho ya ka moo mabaka a tla ba ka teng, le ka nna la etsa taolo tabeng e jwalo ka e bona ho tshwanetse.
Le mororo ho le karolwana 1, motho ofe kapa ofe ya ngongorehiswang ke taolo efe kapa efe e filweng ke lekgotla la tekano a ka nna, a setse morao melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo, a ipiletsa ka ho toba Lekgotleng la Molao wa Motheo.
Ha ho ka etsahala hore ho be le diqeto tse hanyetsang tse di entsweng ke bahlanka ba tshwereng marapo mererong e temaneng b ya tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng', Letona le ka nna la fetisetsa nyewe eo Lekgotleng le Phahameng ya Boipiletso kapa Lekgotleng la Molao wa Motheo hore e atlholwe.
a Ha mohlanka ya tshwereng marapo lekgotleng la makgiseterata a ka fana ka kahlolo mabapi le mabaka a kgethollo a lohothwang temaneng ya b ya tlhaloso ya 'mabaka thibetsweng', qeto eo e tshwanetse hore e re morao e iswe ka mokgwa o beilweng Lekgotleng le Phahameng le nang le matla a ho lekola botjha.
b Lekgotla le Phahameng le tshwanetse hore, morao ha tshekatsheko ya kgang, le laele mabapi le mabaka a lohothwang karolwaneng ya 5 a, mme morao ha moo le ntshe taelo efe kapa efe ho ya ka Molao oo jwalo ka ha le bona ho tshwanetse.
c Phethahatso ya karolwana ya 5 a e ntse e emisitswe ho fihlela boipiletso bofe kapa bofe bo lohothwang karolong bo phethwa.
Mmuso o na le mosebetsi le maikarabelo a ho kgothaletsa le ho ba le tekano.
Batho bohle ba na le maikarabelo a ho kgothaletsa tekano.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 24: le tla etsiswa.
ho hlahisa matsholo a tlhahisoleseding ho tumisa Molao ona.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho y Afrika Borwa le ditheo tse ding tse lemohwang ke molao wa motheo di ka nna tsa re, hodima tlatselletso ya maikarabelo afe kapa afe a mang, ho ya ka Molao wa motheo kapa molao ofe kapa ofe, ya kopa karolo efe kapa efe e hlaloswang e le Puso kapa motho ofe kapa ofe ya neelang tlhahisoleseding ka dikgato tse mabapi le ho ba le tekano ho akaretswa, ka ho tshwanetseng, mosebetsi ya ho beha melao kapa ya executive le ho latela peho ya melao, melawana ya boitshwaro le mananeo.
c kopa Lefapha, ka mokgwa o o beilweng, ho fa dipehelo tsa hang le hape, mabapi le palo ya dinyewe le mofuta le phelelo ya tsona.
a tlosa mofuta ofe kapa ofe wa kgethollo e leeme kapa kgothaletso ya ho hloka tekano molaong, pholising kapa ditlwaelo dife kapa dife tse Matona a nang le maikarabelo a tsona; le ho b lokisa le ho phethahatsa maano a tekano ka mokgwa o beilweng, ao dikahare tsa ona di tshwanetseng ho akaretsa nako e tla nkuwang ho phethahatsa maano a ho ba jwalo, a lohilweng ka therisano le Letona la Ditjhelete.
a Maano a tekano a tshwanetse hore e re dilemo tse pedi di ise di fete morao ha ho kena tshebetsong ha Molao ona, di neelwe Khomishene ya Ditokelo tsa Botho y Afrika Borwa hore ho tle ho sebetswe ka tsona ka mokgwa o beilweng.
b Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tshwanetse ho rerisana le Khomishene ya Tekano ya Bong ha e sebetsa ka maano a lohothwang temaneng ya a.
Letsatsi la ho kena Tshebetsong ha Karolo ya 25: le tla tsebiswa.
b ho kenya tshebedisong le ho boha ho kengwa tshebedisong ha maano a tekano, melawana le ditsela tsa taolo tse entsweng ke bona; le c ho etsa dipehelo tsa yang bolaoding kapa ditheong tsa bolebedi tse tshwanetseng jwalo ka ho tla bewa melawaneng.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 26: le tla etsiswa.
Phethahatsong ya karolo ya 26, batho bohle, makgotla ao e seng a puso, makgotla a merabe le ditheo tsa setso, di tshwanetse ho kgothaletsa tekano tshebedisanong ya tsona le makgotla a mang le mesebetsing ya ona ya setjhabeng.
Letona o tshwanetse ho hlahisa melawana mabapi le Melao e meng e hlokang hore dikhampani, di-close corporation, di-partnership, ditlelapo, mekgatlo ya dipapadi, mekga ya kgwebo le di-association, moo ho tshwanetseng, ho tsamaelana le boholo ba tsona le mehlodi le tshusumetso ya tsona, ho lokisa maano a tekano kapa ho latela melawana ya boitshwaro e beilweng kapa ho behela lekgotla kapa setheo ka ha dikgato tsa ho ntshetsa pele tekano.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 27: le tla etsiswa.
Ha ho ka fanwa ka bopaki nyeweng efe kapa efe ya tlolomolao hore kgethollo e leeme ka mabaka a borabe, bong kapa bohole e bile karolo ya tlolo ya molao, sena se tshwanetse ho nkuwa e le mabaka susumetsang kahlolo.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tshwanetse hore, pehelong ya yona e lohothwang karolong ya 15 ya Molao wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho wa 1994 Molao 54 wa 1994, e akaretse tekolo ya bonamo ba kgethollo e leeme ka mabaka a borabe, bong, le bohole e kgothaletsang ho ba teng Rephaboliking, diphetho tsa yona tsa ho rarolla mathata.
sebedisa maano a mosebetsi a ka kgonehang hore ho tle ho nne le kgothaletso ya tekano ya borabe, bong le bohole, le iv ho etsa hore ho tloswe kgethollo e leeme le kgothaletso ya tekano ya borabe, bong le bohole e be ho ka pele lenaneng.
Ntle le ho fapoha ditaelong tsa Molao ona, sepheo sa Sehlomathiso sa Molao ona ke ho bontsha mohlala le ditlwaelo tse leeme kapa tse ka bang le leeme, tse nammeng mme tse lokelwang ho rarollwa.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Puso e tshwanetse hore moo ho tshwanetseng teng e netefatse hore dikgato tsa ho beha melao le tse ding di nkuwa bakeng sa ho shebana le mesebetsi e lohothwang karolwaneng ya 1.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : le tla etsiswa.
Letona o tshwanetse hore, ka dikgothaletso tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano, ka tsela e kgothaletsang, a sekaseke ho loka ha ditlwaelo tse leng Sehlomathisong, ka sepheo sa ho eketsa, ho fetola, ho fapanya kapa ho lokisa lenane la ditlwaelo tse leng Sehlomathisong.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
a shebanwe le hore ho tloswe ditlwaelo tsena; le hore ho b thuswe batho ho hlalosa boiphihlelo ba bona le ditlwaelo.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
Lenane la mohlala la ditlwaelo le Sehlomathisong ha le a fella le teng le tshwanetse ho lejwa le ho ntshetswa pele ke Komiti ya Tekolo ya Tekano ka tsela e kgothaletsang.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
v matla le mesebetsi ya Komiti ya Tekolo ya Tekano jwalo ka di lohothwa karolong ya 33.
x taba efe kapa efe e hlokwang ho behwa bakeng sa ho fihlela maikemisetso a Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o etsuwang karolong ena o ka bang le sephetho sa ditshenyehelo bakeng sa Mmuso o lokelwa ho etswa ka therisano le Letona la Ditjhelete.
Molawana o etsuwang ka tlsa karolo ena o ka nna wa laela hore motho ya tlolang taelo ya ona kapa ya hlolehang ke ho o latela a be molato wa tlolo ya molao, mme fumanwe a le molato le lekgotla, a lefiswe kapa a ahlolelwe ho dula tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse 12.
a Melawana efe kapa efe e etsuwang ka tlasa karolo ena, e tshwanetse ho bewa ka pela palamente hore ho buuwe ka yona pele e ka phatlalatswa Koranteng ya Mmuso ha e le hore Palamente e tla be e phuthehile ka nako eo.
b Ha Palamente e sa tshwara phutheho jwalo ka ho lohothwa temaneng ya a, melawana e ka newa Sepikara sa Palamente matsatsi a 30 pele ha ho ka phatlalatswa melawana eo Koranteng ya Mmuso.
Melawana e entsweng ho setswe morao mabaka a karolong ena, haholoholo karolwana ya 1 a, mabapi le tsamaiso ya patlisiso tse tshwanetseng ka ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng ho netefatsa hore phethahatso ya Molao e bonolo, e lokile hape e ya kgoneha.
Le ha ho na le karolo ya 16 1 ha ho na nyewe e tla mamelwa lekgotleng lefe kapa lefe la dinyewe ntle le ha mohlanka ya okametseng le e nngwe kapa tse ding tsa ditlelereke di le teng.
b Letona le tshwanetse ho etsa hore Molao ona o ba teng ka dipuo tsohle ka mokgwa o beilweng dilemong tse pedi ka mora ho qala ho kena tshebetsong ha Molao ona.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha o tshwanetse ho nka mehato yohle e utlwahalang le teng ho sebediswa le mehlodi e leng teng ya Lefapha ho netefatsa hore tlelereke e ba teng lekgotleng le leng le le leng la Rephaboliki.
a thupelo ya tsa phedisano ya bahlanka ba tshwereng marapo; le b ditlwaelo tse tshwanang, maemo le ditsamaiso tse tshwanetseng ho okamelwa ke bahlanka ba tshwereng marapo phethahatsong ya mesebetsi le dithomo tsa bona.
Moahlodi e Moholo o tshwanetse hore ka therisano le Khomishene ya Tshebeletso ya Boahlodi le Khomishene ya Bomakgiseterata le Letona e phethahatse dikhoso tsa thupelo tse lohothwang karolwaneng ya 4.
a thupelo ya tsa phedisano ya ditlelereke; le b ditlwaelo tse tshwanang, maemo le ditsamaiso tse tshwanetseng ho okamelwa ke ditlelereke phethahatsong ya mesebetsi le dithomo tsa bona.
Letona le tshwanetse ho fana ka pehelo Palamenteng, jwalo ka ho beilwe, mabapi le dikahare le phethahatso ya dikhoso tsa thupelo tse lohothwang dikarolwaneng tsa 4 le 5.
K. 31 e nketsweng sebaka ke Karolo ya 3 ya Molao 52 wa 2002.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 32: 1 Loetse 2000.
d e na ke matla tse ding le mesebetsi jwalo ka ho beilwe.
Komiti ya Tekolo ya Tekano e ka nna ya tshwara merero le dikopano tsa yona jwalo ka e bona ho tshwanetse.
Ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano tse di lohothwang karolong ya 32 a, d le e di hlongwa nako e ka etsang dilemo tse hlano, mme di ka nna tsa hlongwa hape ha nako ya tsona ya ho ba maemong ao e fela.
Mabaka a mang a ho kgethwa ha ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano a jwalo ka ha ho beilwe.
Mosebetsi wa tsamaiso o hokahaneng le phethahatso ya mesebetsi ya Komiti ya Tekolo ya Tekano o tshwanetse ho etswa ke bahlanka ba beilweng ke Molaodi Kakaretso wa Lefapha.
Ditho tsa Komiti ya Tekolo ya Tekano di na le tokelo ya ho amohela tefello, dialawense le melemo e meng jwalo ka ha ho tla behwa ke Letona ka therisano le Letona la Ditjhelete.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolo ya 33: 1 Loetse 2000.
b Komiti ya Tekolo ya Tekano e tshwanetse hore, selemong se le seng, e batlisise mme e etse le dikgothaletso tse hlokehang ho Letona.
Letsatsi la ho Qala ho Kena Tshebetsong ha Karolwana ya : 1 Loetse 2000.
c thibelang lekgotla ho laela hore lefe kapa lefe la mabaka ana ke mabaka a temaneng ya b a tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng' kapa a akareditswe ho le leng kapa amang a mabaka a lenaneng le temaneng ya a a tlhaloso ya 'mabaka a thibetsweng'.
Molao ona o bitswa Molao wa Kgothaletso ya Tekano le Thibelo ya Kgethollo e leeme wa 2000 mme o qala ho sebetsa letsatsing le beuweng ke Mopresidente ka phatlalatso Koranteng ya Mmuso.
Matsatsi a fapaneng a ka nna a behwa ka tsela e jwalo mabapi le dipehelo tse fapaneng tsa Molao ona.
Mosebetsi le kgiro a Ho ba le dithibela tsa maiketsetso tse hanelang ho fihlelwa ha menyetla ya mesebetsi ka ho sebedisa mekgwa e itseng ya ho thaotha le ho kgetha.
b Tshebediso ya mehlodi ya thuso ya batho, ntshetsopele, kgothaletso le ditlwaelo tsa ho boloka basebetsi tse kgethollang ka tsela e leeme kgahlanong le batho ba tswang dihlopheng tse hlwauweng ka mabaka a thibetsweng.
c Ho hloleha ho hlompha motheo wa tefello e lekanang bakeng sa mosebetsi o lekanang.
d Ho ntshetsa pele kuno e fapaneng e sa lekaneng ho tswa tshebetsong tsa nakong e fetileng ya kgethollo e leeme.
Thuto a Ho se akaretse baithuti ka tsela e leeme di-institjhusheneng tsa thuto, ho kenyelletswa le baithuti ba nang le ditlhoko tse ikgethang.
b Ho tima ka tsela e leeme baithuti ba dihlopha tse itseng hore ba se fumane dithuso tsa ditjhelete tsa sekolo, dibasari, kapa mokgwa ofe kapa ofe wa thuso, haholoholo bao ba hlwauweng ka ho ya ka mabaka a thibetsweng.
c Ho hloleha ho akaretsa ka tsela e utlwahalang mefuta e fapaneng thutong.
Ditshebeletso tsa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle le melemo a Ho etsa batho hore ba be diphuputsong tsa bongaka ntle le tumello ya bona ba na le tsebo.
b Ho hanela kapa ho tima ka tsela e leeme motho ofe kapa ofe ho ba le phihlelo ya disebediswa tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle kapa ho hloleha ho etsa hore disebediswa tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle di kgone ho fihlelwa ke motho ofe kapa ofe.
c Ho hana ho fana ka kalafo ya bongaka ya tshohanyetso ho batho ba dihlopha tse itseng ba hlwauweng ka lebaka kapa mabaka a mang a thibetsweng.
d Ho hana ho fa maqheku ditshebeletso tse utlwahalang tsa bophelo bo botle.
Matlo, bodulo, mobu le thepa a Ho kojwa ha batho mo matlong ntle le tlhaloso e utlwahalang ho itshetlehilwe hodima lebaka kapa mabaka a thibetsweng.
c Kgethollo e leeme phumantshong ya dibonto tsa matlo, dikadimo kapa dithuso tsa ditjhelete ka ho ya ka borabe, bong kapa tlasa mabaka a mang a thibetsweng.
d Ho hloleha ho amohela ka mokgwa o utlwahalang ditlhoko tse ikgethang tsa maqheku.
Ditshebeletso tsa inshorense a Ho hana ka tsela e leeme tlasa lebaka le le leng kapa a mangata a thibetsweng ho neha kapa ho etsa hore ho be teng pholisi ya inshorense bakeng sa motho ofe kapa ofe.
b Kgethollo e leeme phumantshong ya melemo, disebediswa le ditshebeletso tse amanang le inshorense.
c Kgethollo e leeme ya motho kapa batho, ho kenyelletswa ho hana ka tsela e leeme le e sa utlwahaleng, ho fa ditshebeletso ho motho fela ka baka la boemo ba HIV/AIDS.
Dipenshene a Ho se akaretse motho ofe kapa ofe ka tsela e leeme ho ba setho sa letlole la ho ya pensheneng kapa ho fumana melemo efe kapa efe ho tswa letloleng ka tlasa lebaka lele leng kapa a mangata a thibetsweng.
b Ho kgetholla ka tsela e leeme ditho kapa baamohedi ba letlole la ho ya pensheneng.
Tshebedisano a Ho hlwaya ka tsela e leeme hore kemang ya lokelwang ho mengwa ho ba eo ho sebetswang mmoho le yena tshebedisanong eo ho buuwang ka yona.
b Ho beha dipehelo kapa maemo a leeme hape a kgethollang ao tlasa ona motho a mengwang kapa a amohelwang ho ba eo ho sebetswang mmoho le yena.
Diprofeshene le mekga a Ho beha maemo a nang le meedi e leeme kapa a hanelang ho kena profesheneng ke batho ba neng ba tingwa menyetla nakong e fetileng.
b Ho thibela kapa ho hanela ditho ka tsela e leeme ho fihlela melemo kapa disebediswa ka tlasa mabaka a thibetsweng.
Phumantsho ya thepa, ditshebeletso le disebediswa a Ho hana ka tsela e leeme kapa ho hloleha ho fa e mong kapa sehlopha sa batho thepa le ditshebeletso ka baka la le leng kapa a mang a mabaka a thibetsweng.
b Ho beha dipehelo kapa maemo kapa ditlwaelo tse ntshetsang pele ditlamorao tsa kgethollo e leeme ya nako e fetileng kapa ya ho se akaretse ba bang mabapi le phihlelo ya mehlodi ya ditjhelete.
c Ho thibela ka tsela e leeme phihlelo ya ho ba le monyetla wa ho ba le konteraka ya phepelo ya thepa le ditshebeletso.
Ditlelapo, dipapadi le mekgatlo a Ho hanela ka tsela e leeme ho nka kopo ya motho ya ho ba setho sa mokgatlo kapa tlelapo tlasa mabaka fe kap a fe a thibetsweng.
b Ho hanelwa ka tsela e leeme setho hore se fihlele kapa ho behela setho moedi wa ho fihlela benefiti efe kapa efe eo mokgatlo kapa tlelapo e fanang ka yona.
c Ho hloleha ho kgothaletsa ho fapafapana ha ho kgethwa dihlopha tsa boemedi.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA KHOMISHENE Y.txt</fn>
Sengolwa sa Senyesemane se saennwe ke Mopresidente. Molao o amohetswe ka la 24 Phupu 2002.
ho lokisetsa ho thehwa le ho ananelwa ha makgotla a baahi; le ho lokisetsa merero e amanang le hoo.
lekgotla la baahi?
setsha sa semolaotheo?
lekala la puso?
Molao ona o bolela taelo efe kapa efe ho latela karolo ya 39?
Molao ona o tsamaiswa ke setho sa Kabinete se kgethilweng ke Mopresidente.
b. e jwalo ka motho mahlong a molao; mme c. e tshwanetse ho se be le leeme mme e tshwanetse ho sebedisa matla a yona le ho phetha mesebetsi ya yona ntle le tshabo, tshekamelo kapa leeme.
d. ho kgothaletsa ditokelo tsa dihlopha tsa baahi tsa ho hodisa botjhaba ba tsona bo seng bo fokotsehile ho ya ka histori; le e. ho kgothaletsa ho thehwa kapa ho ananelwa ha makgotla a baahi ho latela karolo ya 36 kapa ya 37.
ho etsa ditshisinyo ho lekala le loketseng la puso mabapi le melao e amang kapa e ka nnang ya ama ditokelo tsa dihlopha tsa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi le puo?
j. ho theha le ho boloka polokelo ya dintlha tsa dihlopha tsa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi le puo mmoho le ditsha le ditsebi hodima dihlopha tsena tsa baahi; le k. ho tlisa taba efe kapa efe e amehang tlasa tlhokomelo ya bolaodi kapa lekala le loketseng la puso, mme mmo ho loketseng teng, le ho etsa ditshisinyo ho bolaodi kapa lekala le jwalo la puso ho sebetsaneng le taba e jwalo.
rerisana le ho sebedisana le ditsha tsa dinaha tsa kantle tse phethang mesebetsi e tshwanang le ya Khomishene; le ho j. etsa eng kapa eng e amanang le ho phethwa ha mesebetsi ya yona.
Tshebedisano pakeng tsa Khomishene le ditsha tse ding tsa semolaotheo mmoho le makala a puso l.
a. etsa ditlhophiso tse loketseng le setsha se seng sa semolaotheo kapa lekala la puso ho thusa Khomishene ho phethweng ha ofe kapa ofe wa mesebetsi ya yona ha feela e le hore setsha seo kapa lekala leo le na le matla a ho thusa Khomishene; le ho b. fetisetsa ho setsha sa semolaotheo kapa lekala la puso leo e entseng tlhophiso le yona matla afe kapa afe a yona a hlokahalang bakeng sa ho fana ka thuso eo ho dumellanweng ka yona.
Khomishene e tshwanetse ho sebedisana le ditsha tse ding tsa semolaotheo le makala a puso moo mesebetsi ya Khomishene e tshwanang le ya ditsha tse jwalo tsa semolaotheo kapa makala a puso.
Ho latela karolo ya 185 ya Molao wa Motheo, Khomishene e ka nna ya tlaleha taba efe kapa efe e welang tlasa mesebetsi le matla a yona ho Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho bakeng sa hore e fuputswe.
Khomishene e ka tshwara phuputso ka boyona ho latela karolo ya 5 (e), kapa e ka nna ya kgetha setho se le seng sa Khomishene kapa ho feta kapa batho ba bang jwalo ka komiti ya ho fuputsa, hore ba tshware phuputso lebitsong la yona.
d. botsisisa motho ofe kapa ofe ya boletsweng ho serapa sa (c) kapa e etse hore motho eo a botsisiswe ke motho ya kgethuweng ke Khomishene kapa komiti, ho ya kamoo ho loketseng ka teng; mme e. tshwara tokomane e hlahisitsweng ho latela serapa sa (b)(ii) bakeng sa nako e utlwahalang.
Haeba ho kgethuwe komiti ya ho fuputsa ho tshwara phuputso lebitsong la Khomishene, komiti e tshwanetse ho tlaleha le ho etsa ditshisinyo ho Khomishene mabapi le phuputso, pheletsong ya phuputso.
Tlaleho ka Khomishene a. Khomishene e tshwanetse ho tlaleha selemo le selemo ho Seboka sa Setjhaba mabapi le diketso tsa yona le ho phethahatswa ha mesebetsi ya yona.
b. Dikhophi tsa tlaleho e boletsweng ho serapa sa (a) di tshwanetse hore hape di phatlalatswe ho batho le ditsha tse boletsweng ho serapa sa 26.
a. Modulasetulo ya kgethilweng ke Mopresidente ho latela karolo ya 12; le b. ditho tse ding tse seng ka tlase ho tse 11 le tse seng ka hodimo ho tse 17 tse kgethilweng ke Mopresidente ho latela mokgwatshebetso o boletsweng ho karolo ya 11.
a. o tshwanetse ho ba palo ya ditho tse tlang ho kgethelwa ho Khomishene ho latela karolwana ya (b), empa ha a kgetha ditho bakeng sa sehla se setjha sa Khomishene a ka nna a eketsa palo e beilweng ka mora hore mabitso a batho ba kgethilweng a fetisitswe ho latela karolo ya 11 (d); mme b. a ka nna a fetola palo e beilweng ho latela serapa sa (a) nako le nako, empa a ka fokotsa palo eo feela ha a kgetha ditho bakeng sa sehla se setjha sa Khomishene.
b. ka bobatsi e bontsha sebopeho se teng sa ho fapana ha bong ka hara Afrika Borwa; mme c.
kaho ya setjhaba.
b. ho ba motho ya tshwanetseng le ya loketseng ho ba ofising jwalo ka setho sa Khomishene; mme c. a tsamaisane le maikemisetso a Khomishene a boletsweng ho karolo ya 4.
c. motho ya tlositsweng ofising ho latela karolo ya 17; kapa d. motho ya fumanweng a le molato wa bosenyi kapa tlolo ya molao, eo ho yona lekgotla la dinyewe le fumaneng hore lehloyo le itshetlehileng ka mmala, borabe, bong kapa bodumedi, le bile le seabo.
c. ho hlophisa lenane la batho ba thontsweng bakeng sa se seng le se seng sa dihlopha tse fapaneng tsa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi le puo, le bontshang dintlha tse balletsweng tsa motho ka mong ya thontsweng; le d. ho kgetha moifo o kgethang o nang le batho ba hlomphuwang ke setjhaba bakeng sa dikelello tsa bona tse phodileng, bohlale, le kutlwisiso ya dintlha tse amang dihlopha tsa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi le puo tsa Afrika Borwa.
ntshetsopele le tshireletso ya ditokelo tsa dihlopha tsa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi le puo; le kaho ya setjhaba; le d. tlhahisoleseding efe kapa efe e ka nnang ya ba e balletswe.
keketseho ya palo ya ditho tse boletsweng ho karolo ya 9 (b); kapa (iii) sekgeo; le d. ho fetisetsa mabitso a batho ba kgethilweng ho Mopresidente hammoho le mabaka a hore ke hobaneng ha ba ile ba kgethwa.
a. ho bea ditho tsa Khomishene ho tswa mabitsong a batho ba kgethilweng a tekilweng ho latela karolwana ya (d); le b. ho tsamaisana le karolo ya 9 ha a bea ditho.
Mopresidente o tshwanetse ho bea setho sa Khomishene kapa motho e mong ya phethahatsang ditlhoko tsa ho tshwanelehela tse boletsweng ho karolo ya 10 jwalo ka Modulasetulo wa Khomishene.
motho ya beilweng jwalo ka Modulasetulo wa Khomishene e tshwanetse ho ba motho ya tshwanetseng le ya loketseng ho ka tshwara setulo sa ho ba Modulasetulo.
Mopresidente a ka nna a bea Motlatsi wa Modulasetulo ho tswa ho ditho tsa Khomishene.
Nako ya tshebetso ya Khomishene ke dilemo tse hlano.
Modulasetulo le ditho tse ding tsa Khomishene ba behwa bakeng sa sehla se le seng sa nako ya tshebetso ya Khomishene, empa ba ka nna ba behwa hape mafelong a sehla seo bakeng sa sehla se leng seng feela se seng.
Haeba palo ya ditho e boletsweng ho karolo ya 9 (b) e a eketswa ka nako ya sehla sa nako ya tshebetso, setho kapa ditho tseo tsa tlatsetso di behwa bakeng sa nako e setseng ya sehla seo sa tshebetso.
Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le bea dipehelo tsa ho behwa ha Modulasetulo, Motlatsi wa Modulasetulo le ditho tse ding tsa Khomishene, ho nahanelwa dipehelo tsa ho behwa ha ditho tsa ditsha tse ding tsa semolaotheo.
Ditho tsa Khomishene di behwa maemong a tshebetso ya nakwana, empa Modulasetulo, Motlatsi wa Modulasetulo le ditho tse ding tse sa feteng tse tharo ba ka behwa tshebetsong ya ka nako tsohle.
c. ha se a tshwanela ho sebedisa maemo kapa menyetla ya ho ba setho bakeng sa ho ithuisa kapa molemong wa motho e mong ka ho sa tshwanelang; mme d. ha se a tshwanela ho etsa ka mokgwa ofe kapa ofe o thunthetsang seriti, ho se be le leeme, boikemelo kapa botshepehi ba Khomishene.
Setho sefe kapa sefe sa Khomishene se tlolang kapa se hlolehang ho latela karolwana ya se molato wa boitshwaro bo bobe.
b. a itokolla; kapa c. a tloswa ofising ho latela karolo ya 17.
Setho se ka itokolla ka mora ho fana ka tsebiso e ngotsweng fatshe ya dikgwedi tse tharo bonyane ho Mopresidente, empa Mopresidente a ka nna a amohela nako e kgutshwane ho feta maemong a itseng a ikgethang.
b. se behwa jwalo ka mohlanka wa mokga wa dipolotiki; kapa c. e le mohlanka wa mokga wa dipolotiki, setho sa Seboka sa Setjhaba, morumuwa wa nako tsohle ho Lekgotla la Naha la Diprovense, setho sa lekgotlaketsomelao la provense kapa setho sa lekgotla la mmasepala mme se hloleha ho itokolla setulong se jwalo matsatsing a 30 a ho behwa jwalo ka setho sa Khomishene.
Setho sa Khomishene se ka tloswa ofising, empa feela haeba komiti ya Seboka sa Setjhaba e fumana setho seo se le molato wa boitshwaro bo botle kapa e etsa qeto ya hore setho seo ha se na bokgoni kapa se hloleha ho phetha mesebetsi ya setho, mme Seboka sa Setjhaba, ho tsamaisana le karolo ya 194 (b) ya Molao wa Motheo, se amohela qeto ya hore setho seo se tloswe ofising.
a. a ka nna a fanyeha setho sa Khomishene ofising nako efe kapa efe ka mora ho qala ha mehato ya komiti ya Seboka sa Setjhaba ya ho tloswa ha setho seo; mme b. o tshwanetse ho tlosa setho seo ofising ka mora hore Seboka sa Setjhaba se amohele qeto ya ho tloswa ha setho seo ofising.
a. Modulasetulo, sekgeo seo se kwalwa ke Mopresidente ho latela karolo ya 12; le b. setho se boletsweng ho karolo ya 9 (b), sekgeo seo se kwalwa ka ho latela mokgwatshebetso o boletsweng ho karolo ya 11.
Motho ofe kapa ofe ya behilweng ho kwala sekgeo, o ba ofising bakeng sa nako e so kang e fela ya sehla sa nako ya tshebetso ya setho seo se tswileng ofising.
Modulasetulo wa Khomishene o etsa qeto hore Khomishene e kopana neng le hokae, empa o tshwanetse ho bitsa kopano matsatsing a 30 ka mora ho amohela kopo e tshehetswang ke boholo ba ditho ya hore ho bitswe kopano ya Khomishene.
Khomishene e tshwanetse ho kopana ka kotara bonyane.
Modulasetulo, kapa ha Modulasetulo a le siyo, Motlatsi wa Modulasetulo o okamela dikopano tsa Khomishene, empa haeba ka bobedi ha ba yo kopanong, ditho tse teng di tshwanetse ho kgetha setho se seng ho okamela kopano eo.
Khomishene e ka nna ya ipehela mokgwatshebetso wa yona, e latela ka hloko metheo ya ho sebeletsa pepeneneng.
Diqeto a. Khomishene e tshwanetse ho nka diqeto ka mokgwa wa ho batla tumellano, o kenyang tshebetsong motheo wa bonngwe ho fapafapaneng JWALO KA HA ho bontshwa ho Molao wa Motheo.
b. Haeba Khomishene e hloleha ho fihlella tumellano hodima potso e tekilweng pela Khomishene, qeto hodima potso eo e ka nkuwa ka ho phethahetseng ka divoutu tse tshehetsang tsa bonyane boholo ba palo ya ditho tsa Khomishene.
a. theha komiti e le nngwe kapa ho feta tse nang le ditho feela, kapa ditho le basebetsi kapa batho ba bang, ho thusa Khomishene ho phetha mesebetsi ya yona; le ho b. qhala komiti nako efe kapa efe.
c. e ka tlosa setho sa komiti nako efe kapa efe; mme d. e ka bea mokgwatshebetso wa komiti.
setho sa basebeletsi ba Khomishene; kapa komiti ya Khomishene; le ho b. abela ho phethwa ha ofe kapa ofe wa mesebetsi ya Khomishene ho setho, mosebeletsi kapa komiti efe kapa efe e jwalo.
a. e tlasa dipehelo le ditaelo tseo Khomishene e ka di behang; mme b. ha e amohe Khomishene boikarabelo ba ho sebedisa matla kapa ho phetha mosebetsi oo.
Khomishene e ka nna ya tiisa, ya fetola kapa ya hula qeto efe kapa efe e nkuweng ho latela phetisetso kapa kabo, empa ha ho na ho fetolwa kapa ho hulwa ha qeto ho tlang ho thunthetsa tokelo efe kapa efe e ka nnang ya ba e bile teng ka lebaka la qeto eo.
Khomishene e tshwanetse ho bitsa diboka tse pedi tsa naha tsa ditherisano sehleng se seng le se seng sa nako ya tshebetso ya Khomishene, mme sa pele se tshwanetse ho tshwarwa dikgweding tse 12 tsa pele tsa sehla se setjha sa nako ya tshebetso ya Khomishene.
b Ho tshwanetse ho iteangwa le Letona haeba Khomishene e hloka ho bitsa diboka tse fetang tse pedi tsa naha tsa ditherisano sehleng se itseng sa nako ya tshebetso ya Khomishene.
d. ho tshohlwa ha diqeto pela seboka mabapi le dikopo le tse tlang pelepele bakeng sa Khomishene; le e. ho kgothaletsa thoholetso bakeng sa ho fapafapana ha setso, bodumedi le puo.
f. baromuwa ho tswa ho mmuso wa provense e nngwe le e nngwe ba kgethilweng ke Tonakgolo ya provense e amehang; le g. baromuwa ba kgethilweng ke puso e hlophisitsweng ya bommasepala.
b. hore e nke mehato e eketsehileng ya ho mema mekgatlo le batho ka bobona ho netefatsa hore ho ba le kemedi e batsi mabapi le baromuwa ba boletsweng ho karolwana ya (b).
a. bea palo e ka hodimo ka ho fetisisa ya baromuwa sebokeng sa naha sa ditherisano; le b. ho bea palo e hodimo ka ho fetisisa ya baromuwa ba ka kgethwang kapa ba mengwa ho latela karolwana ya (d), (e), (f) le (g).
Palo ya baromuwa ba kgethilweng kapa ba memilweng ho latela karolwana ya (d), (e), (f) le (g) ha e tshwanela ho feta nngwe-tharong ya palo e hodimo ka ho fetisisa ya baromuwa ho seboka sa naha sa ditherisano.
Setsha kapa mokgatlo ofe kapa ofe o romelang baromuwa sebokeng o tshwanetse ho hlokomela tekatekano ya bong kgethong ya baromuwa.
a. lenanetaba la seboka sa naha sa ditherisano; le b. mokgwatshebetso o tshwanetseng ho latelwa sebokeng sa naha sa ditherisano, empa motho ya okametseng phutheho e itseng ya seboka a ka etsa qeto hodima taba efe kapa efe e ka hlahang ka nako ya phutheho eo.
Modulasetulo wa Khomishene, kapa ha Modulasetulo a le siyo, Motlatsi wa Moduasetulo kapa setho se seng sa Khomishene se kgethilweng ke Khomishene, o okamela phutheho efe kapa efe ya seboka sa naha sa ditherisano.
Motho ya okametseng phutheho ya seboka sa naha sa ditherisano o tshwanetse ho fetisetsa qeto efe kapa efe a amohetsweng ke seboka ho Khomishene bakeng sa tshekatsheko.
Khomishene e tshwanetse ho bea motho jwalo ka mohlanka e moholo wa phethahatso wa Khomishene.
b. ho latela maemo le dipehelo tse sebetsang ka kakaretso ho basebetsi ba Khomishene; le c. ho latela maemo le dipehelo tse boletsweng konterakeng e ngotsweng fatshe ya khiro e tshwanetseng ho kenyeletsa maemo le dipehelo tse beang maemo a tshebetso e tshwanetseng ho fihlellwa.
Mohlanka e moholo wa phethahatso ke mohlanka ya tshwarang diakhaonto tsa Khomishene.
c. ho bolokwa ha kgalemo ya basebetsi; le d.
b. leruo lohle la Khomishene mmoho le ho kwala mekitlane yohle ya Khomishene; le c. ho latela ka tshwanelo le ka hloko Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 (Molao wa 1 wa 1999).
Mosebetsii wa Khomishene o hirwa tlasa maemo le dipehelo tsa khiro tse behilweng ke Khomishene.
Maemo le dipehelo tsena di tshwanetse ho tsamaisana le ditsamaiso le metheo ya motheo e boletsweng ho karolo ya 195 ya Molao wa Motheo.
Batho ba tshebetsong ya bosebeletsi ba setjhaba kapa setsha se seng sa mmuso ba adimilweng Khomishene ba tshwanetse ho phetha mesebetsi ya bona tlasa taolo le ditaelo tsa mohlanka e moholo wa phethahatso wa Khomishene.
Motho ofe kapa ofe ya kgethwang jwalo ka mosebetsi wa Khomishene a ka nna a ba setho sa Letlole la Dipenshene la Basebetsi ba Mmuso le boletsweng ho karolo ya 2 ya Molao wa Dipenshene tsa Basebetsi ba Mmuso wa 1996 (Phatlalatso ya bo-21 ya 1996).
Mosebetsi wa Khomishene ya bang setho sa letlole leo la dipenshene o tshwanetse ho fumana merokotso ya penshene le ya ho bea meja fatshe JWALO KA HA e ka motho eo ke mohlanka ho bosebeletsi ba mmuso.
Khomishene e tshwanetse ho fumana tjhelete e abuwang ke Palamente selemo le selemo ho etsa hore e kgone ho phetha mesebetsi ya yona ka bokgabane.
a. e fetisetsa ho Letona selemong se seng le se seng sa ditjhelete, empa pele ho letsatsi le behilweng ke Letona, dikakanyo tsa kuno le ditshenyehelo tsa Khomishene bakeng sa selemo se latelang; mme b. e ka fetisetsa ho Letona nako efe kapa efe ka nako ya selemo sa ditjhelete dikakanyo tsa kuno le ditshenyehelo tsa Khomishene tse tlatselletsang tse boletsweng ho serapa sa (a).
Khomishene e ka ipatlela dimpho, dinyehelo kapa ditshehetso tsa ditjhelete ho thusa Khomishene ho fihlella maikemisetso a yona, empa dimpho, dinyehelo kapa ditshehetso tse jwalo tsa ditjhelete ho tshwanetse hore ho sebetsanwe le tsona ho latela Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999 (Molao wa 1 wa 1999), ekasita le melawana le ditaelo dife kapa dife tse entsweng le ho hlahiswa tlasa Molao oo.
Ho tsamaisana le Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999, Khomishene ha e fetisa dikakanyo e tshwanetse ho senola dintlha tse felletseng tsa kuno e tlileng, kapa e lebeletsweng ho tla ho Khomishene ho tswa ho mohlodi o mong o sele ntle le tjhelete e abuweng ke Palamente.
Khomishene e tshwanetse ho busetsa morao ho Letlole la Naha la Kuno tjhelete efe kapa efe e lefuweng ho Khomishene ho latela karolwana ya e sa sebediswang pheletsong ya selemo sa ditjhelete, ntle feela leha ho dumetswe ka mokgwa o sele ke Letona la Ditjhelete.
Mohlahlobi wa Dibukakakaretso o tshwanetse ho hlahloba dibuka tsa Khomishene tsa diakhaonto le direkoto tsa ditjhelete.
Batho ba hlahang ho sehlopha sa baahi ba kopaneng ka setso, bodumedi kapa puo ba ka theha, ba kenela le ho boloka mekgatlo ya setso, bodumedi le puo mmoho le makala a mang a tsa baahi JWALO KA HA ho boletswe ho karolo ya 31 ya Molao wa Motheo.
a. kgothaletso le tshireletso ya ditokelo tsa sehlopha se jwalo sa baahi; le b. kgothaletso le ntshetsopele ya kgotso, setwalle, botho, mamellano le bonngwe ba setjhaba ka hare le pakeng tsa dihlopha tse fapaneng tsa baahi Afrika Borwa.
Lekgotla la baahi le bolelwang ho karolo ya 36 kapa ka mokgwa o balletsweng le ka etsa kopo ya kananelo ho Khomishene.
Khomishene e ka re ka lengolo e ananele lekgotla la baahi bakeng sa ho ba le seabo sebokeng sa naha sa ditherisano le karolo ya 38.
Lekgotla la baahi le ananetsweng ho latela karolwana ya le ka etsa kopo ho Khomishene kapa ho lekala lefe kapa lefe la puso bakeng sa thuso ya ditjhelete.
a. ho baballa, ho kgothaletsa le ho ntshetsa pele setso, bodumedi kapa puo ya sehlopha sa baahi seo le ananetsweng bakeng sa sona; kapa b. ho eletsa Khomishene le ho thusa Khomishene mererong e mabapi le ho fihlellwa ha maikemisetso a Khomishene.
Molao wa Melato ya Mmuso wa 1957 (Molao wa bo-20 wa 1957), o sebetsa ka diphetoho tse hlokehang ha ho tluwa ho Khomishene, mme tshebetsong eo, ha ho buuwa Molaong ona ka Letona la lefapha le amehang sena se tshwanetse ho nkuwa JWALO KA HA e ka ho buuwa ka Modulasetulo wa Khomishene.
Ha ho motho, ho kenyeletswa le Khomishene, ya jarang boikarabelo ba eng kapa eng e entsweng kapa e lebetsweng ka botshepehi ha ho sebediswa matla kapa ha ho phethwa mosebetsi ho latela Molao ona.
a. e ka ballwang ho latela Molao ona; le b. eo Letona le e bonang e hlokahala kapa e thusa ho e balla hore ho fihlellwa maikemisetso a Khomishene.
b. ka boomo o thibela, o henahenana kapa o tshosetsa ditho tsa Khomishene kapa tsa komiti ya Khomishene, kapa baromuwa ho seboka sa naha sa ditherisano, tshebedisong ya matla a bona kapa ho phethahatseng mesebetsi ya bona ho latela Molao ona.
ho ba teng kopanong ya Khomishene kapa komiti e fuputsang ka nako le sebakeng se boletsweng disamoneng; kapa ho dula a le teng ho fihlela a bolellwa hore a tswe ke Khomishene kapa komiti; kapa b.
ho araba potso efe kapa efe; kapa ho hlahisa tokomane e boletsweng disamoneng, kapa e tshwerweng ke motho eo kopanong eo.
Motho ofe kapa ofe ya fumanweng a le molato wa ho tlola molao ho latela karolwana ya o tshwanetswe ke kotlo kapa ho kwallwa tjhankaneng bakeng sa nako e sa feteng selemo, kapa ka bobedi kotlo le ho kwallwa ho jwalo tjhankaneng.
Molao ona o bitswa Molao wa Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Dihlopha tsa Baahi ba Kopaneng ka Setso, Bodumedi le Puo wa 2002, mme o kena tshebetsong ka letsatsi le behilweng ke Mopresidente ka phatlalatso Koranteng ya Mmuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA TAOLO YA DIH.txt</fn>
Ho lokisetsa taolo ya dihlahiswa tse senyehang tse reretsweng thomelo ntle ho tswa Rephaboliking ya Afrika Borwa le tse ding tse amanang le tsona.
moromela ntle e bolela motho ofe kapa ofe ya tsamaisang kapa ya rwalang sehlahiswa se senyehang ho tswa ka hara Rephaboliki kapa ya lokisetsang thomelo kapa ho ralwa ha sehlahiswa se senyehang ka ntle ho Rephaboliki; le thomelo ntle?
motsamaisi ya akaretsang?
sehlahiswa se senyehang?
sekepe e kenyelletsa sefofane; le thwalo ka sekepe, monga sekepe, tse rwetsweng ka sekepe, tsamaiso ka sekepe le sebaka sa thwalo ka sekepe se na le ditlhaloso tse tsamaelanang?
Boto ya Taolo ya Dihlahiswa tse Senyehang tse Romelwang Ntle, e thehilweng ho latela Molao wa Taolo ya Dihlahiswa tse Romelwang Ntle tse Senyehang, 1926 (Molao wa 53 wa 1926), o tla, ho sa natswe ho hlakolwa ha Molao oo ke Molao ona, dula o ntse o le teng mme o tlka dula e le motho ho latela molao.
Sepheo sa boto e tla ba ho etsa thomelo ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa ka hara Rephaboliki e lokele le ho nepahala.
c motho a le mong ya kgethuweng ke Setlamo sa Dilengwa sa Afrika Borwa ho emela ba sa emelwang ho ba romelang thepa ntle ho ya ka seratswana sa a kapa b; le d motho a le mong ya behuweng ke Letona.
a Bakeng sa ho thonngwa ho hong le ho ho hong ho latela seratswana sa a, b kapa c tsa karolwana ya 1, Letona le tla etsa sehlopha sa thomelo ntle se seng le se seng se boletsweng serapeng seo a kapa b le Setlamo sa Temo sa Afrika Borwa se boletsweng serapeng seo sa c di mengwe ka lengolo ho kenya ho yena, nakong e tla beng e boletswe lengolong, mabitso a batho ba bararo, bao ho thonngwa ha bona hohle ho latela seratswana se boletsweng a, b kapa c ho ka etswa ho Letona.
b Ha e ba, ka mora ho mema ka lengolo ho latela serapa sa a, sehlopha se bolelwang se hloleha ho kenya mabitso a boletsweng nakong e hlalositsweng lengolong le jwalo, Letona le ka thonya motho kapa batho ba hlokehang ho ya ka moo le bonang balokela, ho ba setho kapa ditho tsa boto ho latela serapa se amehang sa karolwana ya 1.
Letona le ka thonya ho latela kgothaletso ya boto maemong a jwalo le bakeng sa nako e tlang ho behwa ke lona, motho e le setho sa tlatsetso sa boto, lebakeng la ho itseng.
a ha boemo ba hae ba ho se kgone ho lefa melato bo sa fetoha; kapa b a kile a tshwarelwa tlolo ya molao le ho kwallwa ntle le ho ka kgetha ho lefa.
d ha se ka se kenele dikopano tse tharo tsa boto ka tatellano ntle le lifi ya boto; kapa e ha se ka tlohediswa kantoro ya sona ho latela karolwana ya 3.
c ha ho ya ka maikutlo a Letona se molato wa boitshwaro bo sa lokang; kapa d ha ho ya ka maikutlo a Letona se sa kgone ho sebetsa ka ho phethahala mesebetsi ya sona jwalo ka setho sa boto.
Ha kantoro ya modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo e se na motho ka lebaka lefe kapa lefe ntle feela le ho fela ha nako, ditho tsa boto tla, kopanong ya pele ka mora hore ho hlahe sekgeo se jwalo kapa ka pele ho moo ho latela tlhokeho, di tla kgetha modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo lenaneng la bona, ho ya ka moo ho hlokehang, mme setho se kgethuweng se tla kena kantorong bakeng sa karolo ya nako e sa kang ya fela eo ya neng a le moo pele ho sona a ne a kgethuwe.
Ha e ba ka lebaka le ha e le lefe modulasetulo ha a kgone ho sebetsa, motlatsi wa modulasetulo o tla etsa mesebetsi yohle le ho sebedisa matla ohle a modulasetulo.
Modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo wa boto a ka tlohela kantoro ya hae a sa ka a kgaola botho ba hae botong.
Setho sa boto se tla thonngwa bakeng sa nako, e sa feteng dilemo tse tharo, ka dipehelo tse ka hlaloswang ke Letona ka nako ya ho thonngwa.
Setho sa boto se tla tswelapele ho tshwara kantoro ka mora nako eo se e thonyeditsweng e fetile ho fihlela ya tlang ho kena sebakeng sa hae a thontswe kapa a boetse a thonngwa hape, empa e seng bakeng sa nako e fetang dikgwedi tse tharo.
Ha sekgeo sa setho sa boto se hlaha pele ho hore nako ya ho fellwa eo se neng se e thonyeditswe, Letona, ho itshetlehilwe ka dipehelo tsa karolo ya 4 le 5 1, le ka thonya motho e mong e le setho, bakeng sa karolo ya nako e sa kang ya phethelwa tlasa dipehelo tseo Letona le ka di behang.
Ha e ba Letona le kgotsofetse hore setho sa boto ka lebaka le ha e le lefe ha se kgone ho sebetsa, Ltona le ka thonya motho le ha e le ofe e mong yeo le mmonang a ka kgona (eo ka mora mona a tlang ho bitswa setho se tshwaretseng) tlasa dipehelo tseo Letona le ka di behang, ho sebetsa boemong ba setho ha se ntse se sa kgone ho sebetsa.
Setho kapa setho se tshwaretseng sa boto se sa sebeletseng Mmuso ka nako tsohle se tla lefuwa ho latela mosebetsi wa sona jwalo ka setho se jwalo, ho tswa matloleng a boto tefo e jwalo le ditumello tsa ho tsamaya le tshehetso ho latela ka moo boto e di behileng ka teng.
Serapa sa (g) se nketsweng ke karolo 36 ya Molao wa 52 wa 1991.
i kgothaletsa ditefo tse tshwanang tse mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang, ka tumello e loketseng dihlahiswa tse ikgethang tse senyehang, dikou tsa thomelo ntle le mekgwa ya tsamaiso.
j phetha mesebetsi e mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa Rephaboliking jwalo ka ha ho ka hlokeha ho latela molawana.
Boto e tla kopana dinakong le dibakeng tseo modulasetulo kapa, ha a le siyo, motlatsi wa modulasetulo a tlang ho di beha.
Modulasetulo o tla etsa tsebiso e hlokehang hore e fuwe setho sefe kapa sefe ka nako le sebaka sa kopano ka nngwe ya boto.
Modulasetulo kapa, ha a le siyo, motlatsi wa modulasetulo o tla etela pele dikopano tsohle tsa boto, mme ha e ba bobedi modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo ba le siyo kopanong ya boto, ditho tse teng di tla kgetha motho e mong ho tsona ho ba mookamedi kopanong e jwalo.
Qeto ya bongata ba ditho tsa boto tse leng teng kopanong ya boto e tla ba yona qeto ya boto mme, moo e leng hore ho na le tekano ya divoutu ntlheng le ha e le efe, motho ya okametseng kopano e jwalo o tla ba le voutu e eketsang voutu eo a neng a e buella.
Lenane le lekaneng bakeng sa kopano ya boto le tla etswa ke ditho tse nne tse emetseng dihlopha tse bonnyane tharo tsa baromela ntle, le motho ya okametseng kopano.
Boto e tla beha mohlanka ya e sebeletsang e le motsamaisi ya akaretsang, ya tlang ho ba mohlanka ya ka sehlohong wa boto ya nang le matla a ho tsamaisa le ho laola mosebetsi o dumelletsweng ke boto le ho ba mookamedi wa bahlanka ba bang le basebetsi ba bang ba leng khirong ya boto.
Nakong efe kapa efe eo moromedi ntle ya ileng a fa boto kakanyo ya diromelwa ntle ho ya ka karolo 10 (c) a hloleha ho romela ntle palo e akantsweng mme ka baka la ho hloleha ho jwalo boto ya se kgone ho hlophisetsa keno ya sebaka sa peho e konterakilweng ka tshepo ya e behuweng kakanyong e jwalo e neng e tla be e sebedisitswe ha e ne e se ka ho hloka bokgoni bo jwalo, boto e ka mo batla tefello ya sebaka se jwalo sa thomelo ntle se sa kang sa sebediswa kapa tjeho e nngwe eo ho ya ka maikutlo a boto e ka batlwang ke monga sekepe ka lebaka la ho hloleha ho jwalo, mme tefello e jwalo e tla ba molao o tlang ho jarwa ke moromela ntle ho boto mme e ka bokellwa ke boto ho yena.
Motho ofe kapa ofe ya nang le ho se kgotsofale ke ketso kapa qeto ya boto a ka, ka mora ho tsebisa boto ka mokgwa o hlalositsweng molawaneng, nakong ya matsatsi a 30 mohla wa ketso kapa qeto e jwalo a ipiletsa ho Letona ka mokgwa o hlahellang molawaneng kgahlano le ketso kapa qeto e jwalo.
Boto nakong ya matsatsi a 14 ka mora mohla oo tsebiso e hlahellang karolwaneng ya 1 e fumanwe, e tla fa Letona ka mabaka a ketso kapa qeto e amehang.
Letona le, ka mora tekolo ya mabaka a behuweng le maemo a moipiletsi a boipilets, la dumela, fetola kapa la qhala ketso kapa qeto a boto e amehang.
Boto nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete se tlang ho fela ka la 31 Tshitwe e tla fa Letona le baromela ntle ba ngodisitsweng bohle pehelo mabapi le mesebetsi ya yona ya selemong seo sa ditjhelete.
Pehelo e nngwe le e nngwe e hlahellang karolwaneng ya 1 e tla tsamaya le leqephe la tekanyo ya ditjeho, le hlahobilweng ho latela karolo ya 1810, setatemente ka botlalo, se hlahlobilweng, sa lekeno la boto le ditjeho mabapi le selemo sa ditjhelete.
Letona ; le tla teka pehelo e nngwe le e nngwe, leqephe la tekanyo le setatemente sa tekanyo ya lekeno le ditjeho tse fanweng ho latela karolo ena Tafoleng ya Seboka sa Palamente nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho di fumana, ha Seboka sa Palamente se le ka mokgwa o tlwaelehileng, kapa, Seboka sa Palamente se se kopanong e tlwaelehileng, nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho qalwa ha nako e latelang kopano e tlwaelehileng.
Boto e ka, ka morero wa ho sebetsana le ditjeho tse fumanweng ke boto ha e etsa mesebetsi ya yona ho latela Molao ona le melawana, ka tsebiso Koranteng ya Mmuso ya beha lekgetho la dihlahiswa tse senyehang tse ileng tsa romelwa selemong le ha e le sefe tlasa konteraka kapa tlhophiso e entsweng ke, ka kapa le tumello ya boto.
Lekgetho le amehang le ka lefuwa ke moromedi ntle wa sehlahiswa se senyehang seo lekgetho le behuweng ho sona ho boto ka mokgwa oo le ka dinako tse ka behwang ke molawana.
Lekgetho le amehang le ka se tshwane ho ya ka mofuta wa sepalangwa se sebedisitweng thomelong ntle e jwalo le ho se tshwane ho latela mekga kapa mefuta ya dihlahiswa tse senyehang le ho fapana ho latela kakaretso ya boholo ba sehlahiswa le ha e le sefe se senyehang se romelwang ntle ke baromedi ntle bohle ba sehlahiswa seo se senyehang nakong le ha e le efe selemong se amehang.
Boto e tla kenya dikuno tsa lekgetho le amehang akhaonteng e boletsweng karolong ya 186.
Boto e tla boloka dintlha tse nepahetseng ka diakhaonte tsa ditjhelete tsohle tseo e di fumaneng le ditefo tso hle tse entsweng ke yona.
Boto hanghang ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete e tla hlophisa ditatemente tsa diakhaonte le leqephe la tekanyo ya tsona tse bontshang ka botlalo ditjhelete tse unnweng le ditjeho tse fumanweng ke yona hara nako, le thepa le dikoloto tse teng pheletsong ya, selemo seo sa ditjhelete.
Ka la kapa pele ho la 31 Tshitwe la selemo se seng le se seng boto e tla ananela kakanyo e kenelletseng ya lekeno la yona le lebelletsweng le ditjeho selemong se lateng.
Boto ha e na ho ba le ditjeho ntle le ho ya ka kakanyo ya ditjeho tse dumelletsweng ho ya ka karolwana ya 3.
Boto e ka, bohareng ba selemo sa ditjhelete, dumella mekenella ya dikakanyo tsa ditjeho bakeng sa selemo seo.
Boto e tla bula diakhaonte le dibanka mme e ka hlophisetsa maemo ao ho ka hulwang tjhelete e tlotseng moedi.
Ditjeho tsohle tse fumanweng ke boto ha e phetha mesebetsi ya yona ho latela Molao ona kapa melawana di tla lokiswa ka ditjhelete tse tswang akhaonteng le ha e le efe ya mofuta o jwalo mme, ha e ba ditjhelete tse jwalo di sa lekana, letlole la polokelo le thehuweng tlasa karolo ya 11 f.
Boto e ka laela hore ka mora tefo ya ditjeho tse jwalo letlole la polokelo le fuwe lekeno kapa karolo ya lona, akhaonteng e hlahellang karolwaneng ya 6.
Ha e le hore boto ha e laele kapa e laela hore karolo feela ya lekeno le amehang e kenngwe letloleng la polokelo le boletsweng, lekeno le jwalo kapa karolo e lekanang le lona, ho latela maemo, e tla busetswa baromedi ntle ba ileng ba lefa lekgetho hara selemo se amehang, ka mokgwa oo moromela ntle ka mong o fumana tjhelete e lekangna le bokae kaofela bo lokelang ho kgutliswa e le tjhelete yohle ya lekgetho e lefuweng ke motho e bontsha tjhelete yohle ya lekgetho e lefuweng nakong eo ya selemo ke baromedi ntle.
Boto e tla etsa hore dibuka tsa yona le diakhaonte di hlahlojwe selemo le selemo ke motho ya ngodisitsweng e le akhaontente ya setjhaba le mohlahlobi wa ditjhelete tlasa Molao wa Diakhaontente tsa Setjhaba le Bahlahlobi ba Ditjhelete, wa 1951 Molao wa 51 wa 1951, le ho thonngwa ke boto.
Boto e tla hlahisa le ho beha ka pela mohlahlobi wa tjhelete dibuka tsohle le diakhaonte tsa boto ka divoutjhara tsohle tse di tshehetsang, mme dibuka tsohle, dipampiri le mengolo e amanang le seo tse leng polokong kapa tlasa taolo ya yona.
Mohlahlobi wa ditjhelete ha a na ho dumella tefo e entsweng ntle le tumello ya boto, le ho tlaleha ho se dumellwe ho boto.
Ditjeho tsa kapa tse bakuweng ke tlhahlobo efe kapa efe di tla ba tsa boto.
e ka baka la ho se phethe mesebetsi ya hae, o kapa o ne a ikarabella ho tseka kgahlano le boto, motsamaisi ya akaretsang o tla lekanya tjhelete ya tahlehelo eo kapa tshenyehelo mme o tla, ho latela dipehelo tsa karolwana ya , tsebisa ka lengolo, taelo ya hore motho e a mo lefe, nakong ya matsatsi a 30 ho tloha ka tsatsi la tsebiso eo, tjhelete e hlalositsweng.
Ha motho ya leng khirong ya boto le eo ho ya ka karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa tjhelete, a hloleha ho lefa tjhelete nakong e behuweng tsebisong e amehang, tjhelete eo e tla, ho ya ka dipehelo tsa karolwana 4, 6 le 7, o tla bokelletsa tjhelete mothong ya amehang ka mokgwa wa molao.
Ha motho ya ileng ho latela karolwana ya 1 a laelwa ho lefa a ile a, nakong e be3huweng tsebisong e amehang, tshepisa ho lefa tjhelete ka mekgahlelo, motsamaisi ya akaretsang a ka dumella tefo ka mekgahlelo e jwalo ho ya ka moo a ka bonang ho lokela: Ho itshetleha ka hore ha e ba phano e jwalo ya tjhelete eo ho latela tshepiso e sa tlo etswa nakong ya dikgwedi tse 12 tse baduweng ho tloha mohla oo mokgahlelo wa pele o lefuwang ka ona, tumello ya boto e tla fumanwa bakeng sa tefo nakong e fetang e hlalositsweng, boto e ka beha mehato le dipehelo tseo ka tsona tjhelete e tlang ho lefuwa.
Ha ka lebaka leha e le lefe motsamaisa ya akaratseng o na le maikutlo a hore tjhelete ya tahlehelo kapa tshenyo e hlahellang karolwaneng ya 1 e se kgutliswe kapa e kgutliswe karolo feela ho tswa mothong ya ikarabellang, a ka kopa boto ho lesa motho eo tefong ya kaofela kapa karolo ya tjhelete, mme boto ka boikgethelo ba yona ya dumella hore kaofela kapa karolo ya tjhelete e jwalo e sa kgutlisweng: Ho itshetlehile ka hore ha ho na tjhelete e tlang ho tlohelwa moo tlahehelo e jwalo kapa tshenyo e bile ka baka la boshodu kapa boqhekanyetsi ba motho eo.
Motho ya nang le dipehelo tsa karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa tjhelete a ka nna, nakong ya matsatsi a 30 ho tloha letsatsing la taelo e jwalo, ka lengolo a kopa motsamaisi ya akaretsang, a hlalosa mabaka a kopo ya hae, e hlahellang karolwaneng ya 5, e lebiswe ho boto, mme ha motsamaisi ya akaretsang a hana ho phetha ho lebisa kopo e jwalo botong kapa ha boto e hana ho dumella, jwalo ka ha ho hopotswe karolwaneng e amehang, ya kaofela kapa karolo ya tjhelete e amehang e sa tlo kgutliswa jwalo ka ha ho kopuwe, motho ya jwalo o tla lokela hore nakong e etsang matsatsi a 30 ka mora a se a tsebisitswe ka lengolo ka kgano e jwalo, a ipiletse kgahlano le kgano e jwalo ho Letona, mme Letona le ka, ka mora phuputso eo le e bonang e loketse, la qhala boipiletso kapa la laela hore moipiletsi a leswe ka yohle kapa karolo, ho ya ka moo le ka bonang ho lokile le ho buelleha, tefong ya tjhelete e jwalo.
Motho eo ho ya ka karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa, ho na le hore a ipiletse ho Letona ho ya ka kaeolwana 6, a ka etsa kopo nakong ya matsatsi a 30 ho tloha mohla taelo, kapa nakong e fetang moo e ka dumellwang ke lekgotla la dinyewe, ho lekgotla la dinyewe le nang le bokgoni bakeng sa taelo e tlang ho fedisa e fanweng pele kapa ho fokotswa ha tjhelete eo, mme lekgotla la dinyewe ka baka la kopo e jwalo, ha le sa kgotsofatswa ke motsamaisi ya akaretsang ka dintlha mabapi le nyewe hore taelo e entswe ka nepo kapa hore tjhelete e nepahetse, le ka fana ka taelo e fedisang taelo e jwalo ya pee kapa la fokotsa tjhelete, ka moo ho ka etsahalang ka teng.
Ha tjhelete e fokoditswe ho latela karolwana 5, 6 kapa 7, tjhelete e fokoditsweng e tla be e bokelleditswe ho latela dipehelo tsa dikaralwana tsa 1, 2, 3 le 4.
Ha e le hore motho ya ileng ho latela karolwana ya 1 o ile a laelwa ho lefa tjhelete, a hloleha ho lefa tjhelete e jwalo nakong e behuweng tsebisong e amehang, tswala ho yona e tla lefuwa ho tloha hang feela ka letsatsi le latelang mohla oo nako eo e fellwang ka ona, ka sekgahla seo boto e tlang ho se beha.
Boto e tla hlophisa le rainshorense bakeng sa inshorense kgahlano le tshenyo kapa tahlehelo kapa ditleimi tse ka unwa tsa mofuta ofe kapa ofe tse ka kenngwang kgahlano le boto.
Bolokolohi dikolotong a Ha ho na molato o tlang ho na sekoloto se tlang ho ba sa Mmuso kapa boto ka baka la tahlehelo kapa tshenyo le ha e le efe e entsweng mothong ofe kapa ofe ka lebaka la ketso ya boto kapa komiti e thontsweng tlassa karolo ya 11 e kapa akgente, mohlanka kapa mosebeletsi wa boto tsebetsong kapa mosebetsing o tlasa Molao ona kapa melawana.
b Setho ho kenyelletsa setho se tshwereng mokobobo kapa mohlanka kapa mosebeletsi wa boto ha a na ho jara boikarabelo ba ketso kapa molato o entsweng ka botshepehi nakong ya ketso ya mosebetsi wa hae ho ya ka Molao ona kapa melawana.
Molao ona ha o na ho sebetsa thomelong ya dihlahiswa tse senyehang le tshebedisong naheng kapa sebakeng le ha e le sefe se sa kenyelletswang ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso ka tshebediso ya Molao ona.
Ha ho ile ha kotjwa motho ho tswa naheng le ha e le efe kapa sebaka, boto e e ka, ka tumello ya Letona mme tlasa dipehelo tseo le ka di behang, a ka etsetsa le bakeng sa motho ya jwalo mosebetsi o amang dihlahiswa tse senyehang tsa naha e jwalo kapa sebaka seo e tla kgonang ho se etsa ka hara Rephaboliki ho latela Molao ona.
e ntle feela le bakeng la Molao ona kapa melawana, kapa ka taelo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Afrika Borwa kapa ka tumello ya boto, a hlahisa seo a se fumaneng dikakanyong kapa dintlha tsa di fumaneng tlasa karolo ya 10c, o tla ba molato wa tlolo ya molao le ho ka fumantshwa kotlo ya tjhelete e sa feteng R5 000 kapa ho kwallwa nako e sa feteng dilemo tse tharo kapa bobedi tefiso e jwalo le ho kwallwa ho jwalo.
Ha motho ofe kapa ofe ya tshwaretsweng ho tlola molao ho karolwaneng ya 1 a ngodisitswe botong e le moromedi ntle, boto e ka hlakola ngodiso e jwalo bakeng sa nako eo e tlang ho e beha.
j ntlha le ha e le efe eo ho latela molao ona e hlokehang kapa e dumelletsweng ho behwa ho ka molawana, le ka kakaretso ka ntlha le ha e le efe le e bonang e hlokeha kapa e potlakile hore e ka behwa hore ho fihlellwe seo Molao ona o se reretsweng, mme kakaretso ya pehelo ena ha e na ho fella ka diratswana tse etetseng pele tsa karolwana ena.
Melawana e entsweng tlasa karolwana ya 1 e ka beha dikotlo bakeng sa tlolo ya kapa ho hloleha ho ikamahanya le dipehelo, e sa feteng dikotlo tse hlalositsweng karolong ya 24.
Ho ikamahantse ka dipehelo tse karolwaneng ya 2, Molao wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1926 Molao wa 53 wa 1926, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1935 Molao wa 31 wa 1935, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1954 Molao wa 30 wa 1954, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1957 Molao wa 50 wa 1957, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1979 Molao wa 1 wa 1979, e hlakotswe.
Tsebiso efe kapa efe, tumello, tiisetso kapa tokomane e fanweng, nehetsweng kapa ntshitsweng kapa konteraka le ha e le efe e kenetsweng tlasa pehelo ya molao ofe kapa ofe o hlakotsweng karolwaneng ya 1 e tla nkuwa e fanwe, nehetswe, ntshitswe, kenetswe tlasa Molao ona.
Molao ona o tla bitswa ka hore ke Molao wa Taolo ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1983, mme o tla sebetsa ho tloha mohla o behuweng ke Mopresedente wa Naha ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOLAO WA TAOLO YA DIT.txt</fn>
Matsatsi a latelang a hlophisitsweng botjha a ntjhafatso ya dilaesense ka ho ya ka matsatsi a tswalo, a sebetsa ho motho ya batlang ho ntjhafatsa laesense ya hae ya sethunya, phemiti kapa tumello.
A rekisetsa motho e mong sethunya seo mme motho eo yena o lokela ho fumana laesense ya ho tshwara sethunya seo.
A ka etsa hore sethunya seo se etswe hore se se hlole se sebetsa ke mohwebi wa dithunya ya nang le laesense ka mora ho fumana tumello ho tswa ho ba Tshebeletso ya sepolesa sa Afrika Borwa.
A ka isa sethunya kapa dithunya tseo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa hore se ilo sengwa.
A ka etsa hore sethunya seo se rekiswe ka ntle ho naha bakeng saruri.
A ka rekisa sethunya kgwebong e ananetsweng.
O tla tshwanela ho tlatsa karolo/dikarolo tse tshwanetseng tsa foromo ya SAPS 522 (a) (ya ho Neela sethunya/dithunya).
Etsa bonnete ba hore o fumana kananelo ya kamohelo jwalo ka bopaki ba hore sethunya/dithunya kapa dibetsa tse kotsi mmoho le laesense/dilaesense, phemiti/diphemiti kapa tumello/ditumello tse tshwanetseng di fuwe ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Sethunya/dithunya di tla hlakolwa Mokgweng wa Tshebetso wa Ngodiso ya Dithunya wa ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Mohato wa 6.
Sethunya/dithunya di tla sengwa ke ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Ha ho na ditjeo tsa letho bakeng sa motho ya ithaopang ho tlisa sethunya le/kapa dibetsa tse kotsi ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa hore di sengwe. Motho ofe kapa ofe ya senyang kapa ya tjhentjhang sethunya o tla be a tlola molao mme a ka qoswa ka botlokotsebe.
<fn>sot_Article_National Language Services_MORALO WA BILI YA BOL.txt</fn>
Ho theha monyetla wa tlhomamiso ya Taolo ya Polokeho ya Ralewa hore ho tle ho laolwe tshebetso e bolokehileng ya ralewa, molemong wa maikemisetso a yona le mesebetsi ya yona, ka mokgwa oo e tla tsamaiswa ka teng le bakeng sa ditaba tsa moifo wa yona wa tshebetso; hore ho be le monyetla o teng wa maemo a polokeho le ditlwaelo tsa taolo ya tshireletso ya batho, theepa le tikoloho; le ho etsa monyetla bakeng sa ditaba kaofela tse tsamaelanang le moo.
KANANELO ya hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e na le kamano le mosetsing wa bophelo bo botle le tshireletso.
KANANELO ya hore polokeho le tshireletso di hokanane le hore rejuleitara e na le tshebetso ya bohlokwa raleweng e bolokehileng le ho tshehetsa mosebetsi wa bophelo bo botle le tshireletso.
mokgatlo wa indastri?
Letona le bolela Letona la Dipalangwang v marangrang a tshebetso?
mosebetsi wa marangrang a tshebetso?
ix batho ba nang le kgolofalo tse itseng?
ketsahalo ya ralewa?
tshebetso ya ralewa?
xiv makoloi a ralewa?
xvi tshebetso e bolokehileng ya ralewa?
xvii mokgwa wa taolo ya polokeho?
xviii pehelo ya mokgwa wa taolo ya polokeho?
xix tumello ya polokeho?
xxi mosebetsi wa seteisheneng?
xxii mosebetsi wa terene ho bolelwa motho ya taolong ya marangrang a motsamao le tsamaiso ya koloi e tsamayang seporong?
Biling ena, moo lentswe kapa polelo e fuwang moelelo o itseng, dikarolo tse ding tsa puo le dibopeho tsa puo tsa lentswe kapa polelo eo, ntle le moo ho hlahelang ditemana tse ding tse tshwanetseng tse sa dumellaneng le hoo, di na le meelelo e tsamaelanang.
Ha ho hlaloswa temana ya Bili ena, tlhaloso e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tsamaelanang le sepheo sa Bili ena jwalo ka ha ho hlalositswe temana ya 2, e lokela hore e be yona e nkellwang hloohong ho feta tlhaloso efe kapa efe e nngwe e sa tsamaelaneng le sepheo seo.
Taelo efe kapa efe kapa tsebiso eo ho fanweng ka yona ho latela Bili ena e lokela hore e be e ngotsweng fatshe, ntle le ha ho qaqisitswe ka mokgwa o mong Biling ena.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng tlasa Bili ena o lokela ho hlahela ka hodimo ho melawana yohle kapa boemo bo amohetsweng ke lekgotla tlasa temana ya 292.
Ka sepheo sa Bili ena, ha ho tadingwa hore tshebetso ya ralewa ke tshebetso e bolokehileng kapa hore molao kapa ntho e tlisa tshoso ya polokeho tshebetsong ya ralewa, kapa e matlafatsa polokeho ya tshebetso ya ralewa, ho tshwanetse hore ho se ke ha shejwa feela polokeho ya batho kapa ya theepa e palamiswang ke relewa empa ho tsepamiswe maikutlo polokehong ya batho ba nang le dikgaello le batho ba bang ha mmoho le theepa e nngwe.
Molemong wa Bili ena, tshoso e etswang bakeng sa polokeho ke kotsi kapa boemo bo ka lebellwang ka tsela e utlwahalang hore bo ka tswela pele ho fihlela boemo boo ho bona motho a ka tswang kotsi kapa a etswa hore a kule kapa ha ba le tshenyo e bakwang tikolohong kapa theepeng, mme tshoso ya polokeho e atisa ho ba teng ka ho panya ha leihlo ha boemo bo jwalo bo se bo le teng.
Sepheo ka Bili ena ke ho?
d ho etsa monyetla bakeng sa moifo wa taolo wa sejwalejwale, o tenyetsehang le o tla netefatsa matlafatso e tswelang pele ya tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le e tlisa tshebedisano e ntle dipakeng tsa moifo wa polokeho wa ralewa ya Afrika Borwa le maikemisetso le ditlhoko tsa tshebetso tsa ralewa ya Selekane sa Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa, le ho netefatsa hore ho fihlellwa sepheo se jwalo, ho theha mokgatlo o tshwanetseng wwa molao.
a tshebetso ya ralewa e nngwe le e nngwe ka hare, kapa karolwana e itseng ka hare ho Afrika Borwa e nang le seporo se methwang hore se lekane kapa e be se fetang 600 mm;kapa b mokgwa ofe kapa ofe o radilweng hore o tsamaise bapalami kapa dithoto kapa tsona di le pedi mme ebile o hlalositswe ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso hore ke ralewa kapa ke tshebetso ya ralewa kapa ke tsona di le pedi ho latelang sepheo sa Bili ena.
c mokgwa wa tsamaiso ya bapalami wa eriele, wa kheibole; kapa d ralewa efe kapa efe e nngwe eo Letona le e beheletseng ka thoko tsebisong ya Koranta ya Mmuso hore e se kgeme le pehelo efe kapa efe ya Bili ena ha feela e tsepamisitswe ke Letona.
Ho tla ba le motho wa molao ya tla tsejwa ka hore ke Molaodi wa Polokeho ya Ralewa, e tla botjwa ka hore ho be le lekgotla, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le moifo wa basebetsi.
d ho hlokomela le ho netefatsa hore ho be le tsamaisano le Bili ena; le e ho etsa hore Bili ena e sebetse.
Ho etsa hore metheo ya kopanelo ya mmuso le dikamano tsa mafapha a ka hare ho mmuso tse lohothwang Kgaolong ya Boraro ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa selemo sa 1996Molao wwa Nomoro ya 108 wa selemo sa 1996, moo makala ohle a mmuso, a hlalositsweng karolong ya 239 ya Molao wa Motheo, ho kenyeleditswe Lefapha la Naha la Mosebetsi, leo eleng lona le jereng boikarabelo ba mesebetsi e amanang le karolo efe kapa efe ya polokeho ya ralewa ho latela matla a Bili ena kapa molao o mong, mme makala ana kaofela a lokela ho sebedisana ka seppheo sa?
d ho fokotsa phetapheto ya mesebetsi e jwwalo le mehato e lokelang ho latelwa mabapi le phethiso ya mesebetsi e jwalo; le e ho kgothaletsa hore ho be le tshwano ha ho phethiswa mesebetsi e jwalo.
Bolaodi bo lokela ho tlabola selekane sa tumellano le lekala le leng le le leng le tshwanetseng la mmuso ho etsa hore tshebedisano e neng e lohothwa temanyaneng ya 1 e kgone ho sebetsa.
Letona ka morao hoba le tshware ditherisano le lekgotla ekasitana le matona a ikarabellang makaleng a loketseng a mmuso, le ka nna la etsa melawana e mabapi le?
b dintlha tse lokelang ho etsetswa monyetla ditumellanong tsa tshebedisano, ho kenyeleditswe dipehelano sebakeng sa?
tharollo ya diqabang mabapi le tlhaloso kapa tshebediso ya ditumellano tsa tsebedisano tseo ho buuwang ka tsona temanyaneg ya 2.
Letona le lokela ho phatlalatsa ka ho etsa tsebiso Koranteng ya Mmuso ditumellano kaofela tsa tshebedisano tsa selekane se entsweng ho latela temanyaneng ya 2.
o bo ka etsa diphuputso diketsahalong tsa ralewa ho latela Kgaolo ya 7 ya Bili ena; le p ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa jwalo ka ha Bolaodi bo lebeletswe tlasa Bili ena.
Mesebetsi ya Bolaodi e lokela ho etswwa ke Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso, ka taelo ya lekgotla, ntle le moo ho qaqisitsweng ka mokgwa o mong Biling ena.
Bolaodi bo buswa le ho laolwa ke lekgotla le balaodi ho latela Bili ena.
a le lokela ho tiisa hore boikemisetso ba Bolaodi boo ho buuwang ka bona temaneng ya 5 bo ntshetswa pele; mme b le lokela ho ba le taolo e akaretsang phethahatsong ya mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le emetse Bolaodi mme mesebetsi yohle e phethiswang ke lekgotla, kapa e matleng a lona, ke mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla la Balaodi le tla kgethwa ke Letona.
v Lefapha la Mesebetsi; le vi Motho ofe kapa ofe ya loketseng.
Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso, ka lebaka la hobane a tshwere ofisi eo.
Letona hara balaodi ba lekgotla bao ho buuweng ka bona temanyaneneng ya 5, ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, le lokela ho kgetha modulasetulo ha mmoho le motlatsi wa modulasetulo.
b Moifo o kgethilweng ke Letona, o ka kenyeletsang baemedi ba dikomiti tse loketseng tsa Palamente, o lokela ho hlophisa lenane le le kgutshwanyane la mabitso leo ka lona Letona le tla kgona ho kgetha batho ba loketseng dikgeo tse loketsengtsa lekgotla; mme c Letona le ka nna la kgetha motho ya loketseng ho latela temanyaneng ya 5 eo e tla ba molaodi e mong ya tla sebetsa sebakeng sa molaodi e mong nakong eo a leng siyo, ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Motho ha a na ho ka kgethwa kapa hona ho dula e le molaodi wa lekgotla ha?
c a ile a ahlolwa hobane a tlotse molao mme a ahlolelwa ho hlahlelwa tjhankaneng ntle le ho fuwa monyetla wa kotlo ya tefo; kapa d e le setho sa Palamente, setho sa lekgotla le etsang melao la provense, setho sa lekgotla la Mmasepala, setho sa Kabinete kapa e le setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense.
Molaodi wa lekgotla ho ka etsahala a seke a ba teng, kapa hore a hloke hoba le seabo dipuisanong kapa ha ho etswa qeto tabeng efe kapa efe e tekilweng ka pele ho lekgotla moo molaodi eo kapa mohatsae, molekane wa hae wa bophelo kaofela, ngwana, mosebetsi mmoho le yena kgwebong kapa ya sebedisang le yena kapa ramosebetsi, ntle le Mmuso, ha a na le thahasello ka tsela e otlolohileng kapa e sa otlolohang ho sena.
Ka morao hoba motho enwa a kgethwe ho ba molaodi wa lekgotla o tla lokela hore a etse tlhaloso e ngotsweng e lebang ho Letona le lekgotla moo a hlalosang hore naa o na le thahasello ena eo ho buuwang ka yona temanyaneng ya 8.
Ha molaodi ofe kapa ofe ho etsahala hore a be le thahasello kapa a lohotha ho ba le thahasello, eleng thahasello e neng e lohothwa temanyaneng ya 8, o tla tshwanela hore a ngole mme a phatlalatse ntlha eo ho Letona le lekgotla.
Modulasetulo wa lekgotla o dula setulo sena nakong e hlalositsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi empa eseng nako e fetang dilemo tse tharo mme a ka nna a boela a kgethwa hape ha nako ya hae e se e fedile ya ho ba setulong seo.
Molaodi eo ho buuwang ka yena temanyaneng ya 4 o tla tshwara ofisi nakong e qaqisitsweng lengolong la hae ha a fuwa mosebetsi, eleng nako e kekeng ya feta dilemo tse tharo, mme a ka nna a boela a kgethwa hape ha nako ya hae ya ofisi e fela.
a Ha molaodi a hlokahala kapa a lesa mosebetsi, Letona le ka kgetha motho e mong eo e tla ba molaodi ho laela temanyaneng ya 7.
b Motho ya kgethilweng jwalo o tla sebetsa karolong ya nako e setseng ya motho ya neng a kgethilwe pele ho yena.
Letona ka morao hoba le tshware ditherisano le lekgotla, le lokela ho kgetha motho ya nang le mangolo a loketseng jwalo ka mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso wa Bolaodi.
Motho ha a lokela ho kgethwa kapa ho dula e le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ha a e ba a wela ho e nngwe ya dintho tse etsang hore a se ke a kgethwa tse hlalositsweng temaneng ya 8 8 a-d.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o tla tshwara ofisi bakeng sa nako e qaqisitsweng lengolong la hae ha a ne a fuwa mosebetsi, eleng nako e sa feteng dilemo tse hlano, mme a ka boela a kgethwa hape ha nako ya hae ya ofisi e fela.
Letona nakong efe kapa efe le ka ntsha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso mosebetsing?
b ha ka lebaka la kgolofalo ya mmele kapa bohloko ba kelello, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a se a hloka bokgoni ba ho phethisa mesebetsi ya ofisi kapa a sa sebetse ka tsela e nepahetseng; kapa c ka lebaka la boitshwaro bo sa amoheleheng.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela?
e selemo se seng le se seng sa ditjhelete, o lokela hore ka morao ho ditherisano le lekgotla le ka kananelo ya Letona, a phatlalatse le ho qhalanya moralo wa mesebetsi ya Bolaodi.
Lekgotla le lokela ho fetisa tlaleho e boletsweng temanyaneng ya 5 d, jwalo ka ha le e ananetse, ho Letona nakong ya dikgwedi tse tharo tsa mafelo a selemo sa ditjhelete se amehang.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ke yena mohlanka ya jarang boikarabelo ba lekgotla ka boikarabelo ba ho arabella ditaba tsa ditjhelete tse amohetsweng le ditefo tse entsweng, ha mmoho le matlotlo ao Bolaodi bo nang le ona.
a Bili ena, b Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba Molao wa Nomoro ya 1 wa selemo sa 1999, kapa c Lekgotla.
Ha mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso tlasa lebaka lefe kapa lefe a hlolehile ho phethisa e meng ya mesebetsi ya hae, modulasetulo wa lekgotla o tla lokela hore a kgethe mosebeletsi wa Bolaodi hore a tshware mosebetsi ona mokobobo wa ho ba mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho fihlela mohlanka ya ka sehloohong wwa phethahatso a kgona ho ka boela a tswela pele ka mesebetsi eo.
Mohlanka ya tshwereng mokobobo mosebetsi wa mohlanka wa phethahatso ya ka sehloohong o na le matla ohle mme o loketse ho phethisa mesebetsi ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela ditaelo tse ngotsweng tsa lekgotla, a ka kgetha moifo o jwalo wa tshebetso bakeng sa Bolaodi jwalo ka ha ho hlokeha hore o etse mosebetsi o ipetsang kapa o mabapi le mesebetsi ya Bolaodi ho latela Bili ena.
Dipallo le maemo a mosebetsi wa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso le basebetsi ba bang ba Bolaodi, ho kenyeleditswe meputso ya bona, menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso, ke dintho tse tsepamiswang ke lekgotla mme moputso le menyetla ya tefo, ditshehetso le menyetla e meng ya tshebetso di lokela ho tsepamiswa ho latela mokgwa o amohetsweng ke Letona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Lekgotla ka kananelo ya Letona eo ho fanweng ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete, le ka fumana, la laola le ho tsamaisa penshene efe kapa efe kapa letlole la providente kapa morero wa thuso ya tsa bongaka molemong wa moifo wa basebetsi ba Bolaodi, ho tlisetsa basebetsi molemo kapa le ba le morero jwalo kapa letlolo le laolwang kapa le tsamaiswang ke mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho e mong le e mong.
Ho latela temanyaneng ya 2, 3 le ya 5, lekgotla ka qeto e entsweng, le ka nehelana ka matla, le ho aba mosebetsi ofe kapa ofe, o leng matleng a lona kapa oo le o fuweng ho latela tshebetso ya seratswana sa 8 kapa oo le o abetsweng kapa oo le o fuweng kaekae ke Bili ena, ka modulasetulo wa teng, mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, komiti ya lekgotla, setho sa moifo wa tshebetso sa Bolaodi kapa motho ya kgethetsweng ho ba mohlahlobi wa polokeho tlasa temana ya 33 kapa jwalo ka mofuputsi tlasa temaneng ya 392, kapa motho ofe kapa ofe e mong ya kgethilweng ke lekgotla.
Lekgotla ha le a amohuwa matla afe kapa afe kapa ho nkelwa mosebetsi ofe kapa ofe oo le o abetsweng kapa oo le o fuweng.
b ke ntho e lokelang hore e bolellwe motho ya fuweng mosebetsi o jwalo ka lengolo.
Puisano ena ya lengolo ho latela temana ya 3 e lokela ho kenyeletsa dintlha tse feletseng tsa dintlha tsa mosebetsi o abilweng kapa oo ho fanweng ka ona le dipallo tse tsepamisitsweng ho latela temanyana ya 3 a, ha e ba di le teng.
b hula qeto efe kapa efe, ntle le qeto e fanang ka tokelo kapa matla hodima lehlakore lefe kapa lefe la boraro, e entsweng ke motho ya abetsweng kapa ya fuweng mosebetsi mabapi le ntlha e abuwang kapa eo ho fanwang ka yona, mme la iketsetsa qeto tabeng ena ka bolona.
b ngotla maemo ao ka ona matla a itseng kapa mosebetsi wa lekgotla o ka abuwang ka ona kapa ha nehelanwa ka ona; kapa c tsepamisa maemo bakeng sa ho abuwa ha matla afe kapa afe a itseng kapa nehelano ya mosebetsi ofe kapa ofe o itseng.
b ha molaodi , ka lebaka la kgolofalo ya mmele kapa ho kula kelellong, a ile a hloka bokgoni ba ho phethisa mesebetsi ya hae kapa ho e sebetsa hantle; kapa c ka boitshwaro bo sa amoheleheng.
c ha a ka ba siyo dipitsong tse tharo tse hlahlamanang tsa lekgotla ntle le tumello ya modulasetulo, ntle le ha lekgotla le amohetse bosiyo ka lebaka la mabaka a matle ao ho fanweng ka ona; kapa d ha boitokollo ba motho eo eleng molaodi bo kena tshebetsong.
Kopano ya pele ya lekgotla e tla tshwarwa ka nako le sebakeng se tla behwa ke Letona, mme ka morao ho moo dikopano di tla tshwarwa ka dinako le dibakeng tseo lekgotla le tla di beha.
Bosiyong ba modulasetulo, motlatsi wa modulasetulo, nakong efe kapa efe a ka bitsa kopano e ikgethang ya lekgotla e tla tshwara ka nako le sebakeng se tla behwa ke modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo.
Balaodi kaofela ba lokela ho tsebiswa ka dikopano kaofela tsa lekgotla ka mokgwa wa ho ngola.
Palo e ngata ya balaodi e bopa palo e lekaneng le e behilweng bakeng sa ho ka tshwara kopano efe kapa efe ya lekgotla.
Ho latela temanyana ya 4, qeto ya palo e ngata ya balaodi ba teng kopanong ya lekgotla e bopa qeto ya lekgotla mme, moo ho nang le palo e ngata ya divoutu tabeng efe kapa efe e lokelang ho etsetswa qeto, modulasetulo ya tsamaisang kopano eo o na le voutu e dihang nyewe ha mmoho le voutu ya hae ya dipuisano.
a ho na le sekgeo lekgotleng; kapa b ntlha ya hore motho ofe kapa ofe ya se nang matla a ho etsa jwalo, o ile a dula kopanong jwalo ka molaodi nakong eo qeto ena e neng e etsuwa, ntle le ha e ba qeto eo e nkilweng kapa ketso eo e ile ya matlafatswa ke palo ya bongata ba hlokehang ba balaodi ba neng ba le teng kopanong ba neng ba na le tokelo ya ho ba moo jwalo ka balaodi.
Ha modulasetulo ka lebaka lefe kapa lefe a sitwa ho ka etsa mosebetsi wa hoba modulasetulo, kapa ofisi ya modulasetulo e na le sekgeo, motlatsi wa modulasetulo o tlameha ho sebetsa jwalo ka modulasetulo.
Ha e ba modulasetulo ha mmoho le motlatsi wa modulasetulo ka mabaka a itseng ba hloleha ho ba teng ho ka etsa mosebetsi wa bodulasetulo, kapa diofisi tsena bobedi eleng ya modulasetulo le ya motlatsi wa modulasetulo di na le dikgeo, lekgotla le tla lokela ho tshwaya molaodi e mong le e mong hore a sebetse jwalo ka modulasetulo.
Letona le tla ba le tokelo ya ho ba teng kopanong efe kapa efe ya lekgotla, ha feela letona le tla ba teng jwalo ka motho ya boemong ba molemohi wa ditaba feela.
Lekgotla le lokela hore le etse hore metsotso ya dikopano tsa lona e bolokwe mme dikhopi tsa metsotso di fumanwe ke ditho tsa lekgotla ha mmoho le letona.
Metsotso e jwalo, a ha e saennwe kopano e latelang ke motho eo eleng modulasetulo kopanong eo, bosiyong ba bopaki bo ka netefatsang phoso e teng, e tla nkuwa e le rekoto e ya nnete le e nepahetseng ya ka moo ditaba di tsamaileng ka teng le bopaki bo bonwang ba ditaba bo ka behwang ka pele ho lekgotla la molao, lekgotleng lefe kapa lefe kapa khomesheneng ya diphuputso.
Lekgotla le na le hona ho ka?
a hlomamisa dikomiti ho ka moo le ka bona ho hlokeha ka teng hore di thuse phethisong ya mesebetsi ya lekgotla; mme b le ka kgetha batho ba kang bana, e bile ho kenyeleditswe le balaodi ba lekgotla, ditho tsa moifo wa Bolaodi, mokgatlo wa indastri ena kapa setho sefe kapa sefe sa mokgatlo, batho ba nang le ditumello tsa polokeho le basebetsi ba batshwari ba ditumello tseo tse jwalo, ho latela ka moo lekgotla le bonang ho tshwanetse ka teng.
Molaodi kapa setho sa komiti sa lekgotla, ntle le mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso kapa motho ya mosebetsing o phethahetseng wa Bolaodi kapa lekala le leng la mmuso, o kgethwa ho latela maemo, ho kenyeleditswe maemo a amanang le tefo ya moputso le menyetla ya moputso, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Ditjhelete tsa Bolaodi di bopilwe ka?
c dimpho kapa dinyehelo tse amohetsweng ke Bolaodi e le ha di tswa mohloding ofe kapa ofe, ka kananelo ya Letona.
Bolaodi bo lokela ho sebetsa kahara meedi ya polelo eo ho buuweng ka yona karolwaneng ya 7, hore bo sebedise ditjhelete tse teng ho tlosa tseleng ditshenyehelo tseo bo bileng le tsona phethisong ya mesebetsi ya bona ho latela Molao ona.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela ho?
a bula akhaonte lebitsong la Bolaodi mokgatlong o ngodisitsweng jwalo ka banka ho latela Molao wa Dibanka wa selemo sa 1990 Molao wa Nomoro ya 94 wa selemo sa 1990; mme b bo thesemetse tjhelete yohle e amohetsweng ho latela karolwana ya 1.
b kapa le mokgatlo o mong ho latela ka moo lekgotla le Letona, ka tumellano le Letona la Ditjhelete, ba ka behang ditaba ka teng.
Bolaodi bo ka sebedisa tjhelete ya tswala e tswang polokelong e lohothwang karolwaneng ya 4 ho lefa ditshenyehelo tse mabapi le phethiso ya mesebetsi ya bona ho latela Molao ona.
a fana ka mtla a hore ho thehwe matlole a jwalo a polokelo; mme ho b bolokwe ditjhelete tse jwalo moo, ho latela ka moo e hopolang hore ho a hlokeha kapa ho molemong wa bona.
Bolaodi selemong se seng le se seng sa ditjhelete, nakong e tla behwa ke Letona, bo lokela ho nehelana ka tlhaloso ya tjhelete e akanyeditsweng hore e tla kena le ya ditshenyehelo bakeng sa selemo se latelang sa ditjhelete ho Letona bakeng sa kananelo ya lona, eo ho nehelanwang ka yona ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Selemo sa ditjhelete sa Bolaodi se simolla mohla la 1 selemong se seng le se seng ho fihlela mohla la 31 selemong se latelang, empa selemo sa pele sa ditjhelete se simolla letsatsing le boletsweng ho fihlela mohla la 31 selemong se latelang.
Ha Letona le hana kgothaletso ya lekgotla e lohothwang temaneng ya 543, Letona le lekgotla ba lokela ho ikitlaheletsa ho rarolla ho se dumellane hona ho teng ho bona.
Ha letona le lekgotla ba hloleha ho rarolla qaka ena ya ho se kgone ho fihlela tumellano, Letona le etsa qeto ya qetelo.
Bolaodi bo lokela ho hlahisa le ho nehelana ka pehelo ya setjhaba ya selemo ho Letona mabapi le polokeho ya basebetsi, setjhaba le tikoloho e amanang le tshebetso ya ralewa kaofela eo Bolaodi bo lebeletsweng hore bo e laole tlasa Bili ena ho kenyeleditswe le dintlha tse ding tse ka laeletswang.
Letona le lokela ho teka ka pele ho Palamente pehelo ya setjhaba ya selemo eo a e amohetseng ho latela temanyana ya 1 nakong ya matsatsi a 14 ka morao hoba a e amohele ha Palamente e tshwere kopano ya yona e tlwaelehileng kapa ha e ba Palamente e se kopanong e tlwaelehileng, nakong ya matsatsi a 14 ka morao hoba e qale ka kopano ya yona e tlwaelehileng e latelang.
Ntle le dipallo tsa molawana ofe kapa ofe, Bolaodi bo keke ba behwa tlasa taolo ya molao kapa ba futsanehiswa ntle le ha sena se tjhaeletswe monwana ke Molao wa Palamente o amohetsweng ka ho qoholleha bakeng sa sepheo seo.
Ho latela dipallo tsa temanyana ya 2, ha ho motho ya tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa tshebetso ya ralewa kapa karolo ya tshebetso ya ralewa.
c ho laola seteishene; le d motho ofe kapa ofe ya tshwailweng a hloka tumello ya polokeho ke Letona ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso.
Kopo ya tumello ya polkeho e lokela ho etswwa ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Bolaodi bo ka nna ba kopa hore o lefe tjheletana e itseng bakeng sa ho sebetsana le kopo ya tumello ya polokeho.
b kenyeletsa lesedi; mme c felehetswe ke tjheletana ya ho sebetsana le kopo ena, e tla behwa ke Bolaodi.
c a ka mema maikutlo a ngotsweng a tswang lekaleng lefe kapa lefe la mmuso kapa motho ya nang le thahasello tabeng ena; mme o d lokela ho fa moikopedi monyetla wa boemedi tabeng efe kapa efe ya kopo ya tumello ya polokeho.
b hore a nke mehato eo mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso a ka fanang ka yona ho etsa hore kopo e finyelle maikutlo a makala a loketseng a mmuso, batho ba nang le thahasello le setjhaba ka kakaretso; le c ho kgotsofatsa mohlanka ya ka sehloohong hore tokelo tsa motho ofe kapa ofe e mong ya nang le thahasello ho latela Bili ena di keke tsa ba ka mosing.
Lekgotla le ka theha maemo tsitsitseng a tla sebetsa mokgahlelong o le mong kapa mekgahlelong e meng ya tumello ya polokeho.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ho latela temanyana ya 3, a ka maneha pallo efe kapa efe tumellong ya polokeho, ho kenyeleditswe?
k tlhokeho ya hore motho ya nang le tumello a lokele ho tsebisa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso, ka ho ngola, phetoho efe kapa efe ya taolo ya motshwari; le l eng kapa eng ya thekniki kapa eng kapa eng eo eleng ya bohlokwa ho tiisa hore ho na le polokeho kapa tshireletso kapa tsona di le pedi, bathong ba holofetseng, bathong ba bang, theepeng le tikolohong kapa ho etswe monyetla wa ho hlabolla sebaka sefe kapa sefe.
Mohlanka ya ka sehloohong a ka fetola pallo efe kapa efe e teng tumellong ya polokeho.
b ka kopo ya motho ofe kapa ofe ya lohothwang serapeng sa a, a nehelane ka mabaka a qeto ya hae.
a ho ikamanya le pallo efe kapa efe ya tumello; kapa b ho ikamanya le Bili ena.
Mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso o lokela, hore ha kopuwa ke motho ofe kapa ofe ya amehang ka lebaka la qeto e entsweng ho latela temanyaneng ya 1, a nehelane ka mabaka a ngotsweng a ho hula kapa ho kgaola tumello ya polokeho.
Motshwari wa tumello ya polokeho a ka lesa tumello ya polokeho.
Tumello ya polokeho e ntshitsweng tlasa Bili ena ha e kgone hore e fetisetswe mothong e mong.
b sebopeho, dikahare le mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka tlaleho.
c Maemo ao lekgotla le ka hlokang hore motho ya tshwereng tumello ya polokeho a lekole kapa a fetole mokgwa wa taolo ya polokeho kapa mokgwa wa taolo ya polokeho wa ho nehelana ka tlaleho.
Letona le lokela ho etsa melawana mabapi le tsela e lokelang ho latelwa ke Lekgotla le motho ofe kapa ofe ntshetsopeleng ya melawana le maemo a tshebetso ya polokeho ya ralewa.
Ka morao hoba o ikamanye le mehato e laeleditsweng, melawana efe kapa efe e amohetsweng ke lekgotla e tlama batho bohle ba fuweng matla ke Bili ena ho tsamaisa tshebetso ya ralewa.
Ho ho ka ba le qabang tlhalosong ya melao kapa maemo ekasitana le melawana, tlhaloso ya melawana e amaheng ke yona e tla nkellwa hloohong.
e Ho thotwa ha theepa e kotsi ka seporo.
Letona le ka etsa melawana mabapi le?
k taba efe kapa efe e amanang le tshebetso eo eseng ya ralewa e susumetsang polokeho ya ralewa eo Letona le nkang e hlokahala bakeng sa tshebetso e bolokehileng ya ralewa.
b mehato ya tiiso ya polokeho le tiiso ya tshireletso ya batho kaofela mabapi le ketso ya boferekanyi kapa tshoso efe kapa efe e etswang tshireletsong ya batho le polokehong ya ralewa kapa mabapi le karolo efe kapa efe ya tshebetso ya ralewa.
Letona ka ho ngola, le ka hira motho ofe kapa ofe ya loketseng hore e be mohlahlobi wa polokeho ho phethisa mosebetsi o lohothwang temaneng ya 34.
Mohlahlobi wa polokeho o tlamehile hore a fuwe setifikeiti sa khiro se saennweng ke Letona, kapa se saennweng lebitsong la Letona, ke mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso moo sebopeho sa mesebetsi ya motho ena ya filweng matla se hlaloswang.
Mohlahlobi wa polokeho ka nako efe kapa efe e utlwahalang le ntle le ho fana ka tsebiso, a ka kena kapa a feta sebakeng sa ralewa le batho ba hlokehang, makoloi, diphahlo le theepa ka morero wa ho etsa tlhakiso e tlwaelehileng ya kapa tlhahlobo ya mokgwa wa taolo ya polokeho wwa moqhobi mabapi le tshebetso ya ralewa ha latela ka moo ho entsweng monyetla ka teng tumellong ya polokeho.
b fuputsa hore naa lesedi lefe kapa lefe leo ho nehelanweng ka lona mabapi le tumello ya polokeho le nepahetse.
b ho na le mabaka a utlwahalang a ho dumela lesedi le leng le le leng leo ho nehelanwang ka lona mabapi le tumello ya polokeho ha le a nepahala; kapa c ho a hlokeha ho ntshetsa pele mosebetsi o boletsweng temanyaneng ya 2 le hore ho hannwe ka bokeno ba sebakeng se itseng.
Ha lengolo la lekgotla la ho etsa diphuputso le lokelang hore le ntshuwe le kopilwe empa ho na le tieho ya hore leknolo leo la diphuputso le tla senya morero wa tlhahlobo ho latela temanyana ya 3 a kapa b, mohlahlobi wa polokeho a ka nna a kena sebakeng sena ntle le lekgolo le jwalo la lekgotla.
Mohlahlobi wa polokeho ya kenang sebakeng ho latela temana ena o lokela hore a itsebise mme a nehelane ka setifikeiti sa khiro ho ya ka moo ho lohothilweng ka teng temaneng ya 332, ha ho na le kopo e jwalo e tswang ho motho ofe kapa ofe ya sebakeng seo.
Ha mohlahlobi wa polokeho a kena sebakeng sefe kapa sefe kapa sebakeng seo ho buuwang ka sona temaneng ya 341 kapa temaneng ya 342, monga sebaka kapa motsamaisi le mosebetsi e mong le e mong ya phethang mosebetsi ofe kapa ofe ba lokela ho thusa mohlahlobi wa polokeho, ba fane ka dikarabo dipotsong le ho nehelana ka monyetla ofe kapa ofe oo mohlahlobi a o hlokang ka mabaka a utlwahalang?
Batho ba botswang ke mohlahlobi wa polokeho tlasa temananyana ya 1 ba lokela ho fana ka karabo potsong e nngwe le e nngwe ka bokgoni bohle boo ba nang le bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe ha e ba mohlomong karabo eo a tla fana ka yona ho latela mabaka a utlwahalang e tla be e mo kenya tshotsho dinaleng.
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane tse hlwailweng ke mohlahlobi ho kenyeleditswe taba ya ho etsa dikhopi tsa teng; le c ho nehelana ka lesedi lefe kapa lefe ho mohlahlobi, ha mohlahlobi a entse kopo e utlwahalang ho latela taolo ya motho eo.
Ha mohlahlobi ho latela mabaka a utlwahalang aa dumela hore boemo kapa mosebetsi ke tshoso kapa o ka baka tshoso tshebetsong e bolokehileng ya ralewa, mohlahlobi a ka fana ka taelo e lebang ho motho ofe kapa ofe ya ikarabellang boemong bo jwalo ka mosebetsi o jwalo hore?
a mosebetsi oo o sehelwe moedi kapa o kgaotswe, mme mohlahlobi a ka beha dipehelo mosebetsing o jwalo; kapa b ho nkwe bohato nakong e utlwahalang ke motho ya amehang ba ho fedisa tshoso.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng taelo tlasa temananyana ya 1 o lokela ho nka mehato e lokodisitsweng taelong, nakong e itseng e badilweng, ho lokisa mosebetsi oo kapa boemo boo ho buuweng ka bona taelong eo.
Mosebetsi kapa moqhobi e mong le e mong o lokela ho tlalehela mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso ka diketsahalo tsohle tsa mofuta le sehlopha ka mokgwa le sebopeho ho latela ka moo Letona le laeleditseng ka teng.
Lekgotla ha le amohetse taelo e tswang ho Letona, le lokela ho fuputsa ketsahalo efe kapa efe ya ralewa ka sepheo sa ho thibela ketsahalo tse tshwanang le tsena ka nako e tlang.
Lekgotla le na le hona ho ka, le ha Letona le laela lekgotla ho etsa jwalo, le lokela ho hira motho ya nang le mangolo a loketseng ho etsa diphuputso tsohle tseo ho buuwang ka tsona temanyaneng ya 1.
Mofuputsi ya hirilweng ho latela temananyana ya 2, o lokela ho fana ka tlaleho e ngotsweng ho lekgotla ha a se a qetile ho fuputsa mme lekgotla le ka nna la amohela tlaleho ena jwalo ka qeto ya lekgotla kapa la sebetsana le yona ha le dumela hore ke bohlale ho etsa jwalo.
Motho ya etsang diphuputso ketsahalong efe kapa efe ya ralewa ho latela dipehelo tsa temanyana ya 2, a ka kena le ho hlahloba sebaka sefe kapa sefe, ntle le ntlo ya bodulo, theepa ya tshebetso, marangrang a tshebetso kapa makaretjhe a ralewa eleng theepa e tlasa taolo ya motho ofe kapa ofe, eo ho latela maikutlo a mofuputsi, le ka mabaka a utlwahalang le ka moo ho hlokehang ka sepheo sa diphuputso.
a ho dumella mofuputsi ho suthisa, ka morero wa diphuputso, theepa efe kapa efe kapa ntho tse supilweng ke mofuputsi.
b ho dumella tlhahlobo ya ditokomane e lokodisitsweng ke mofuputsi ho kenyeleditswe taba ya o etsa dikhopi ya ditokomane tsena; le c ho fana ka lesedi lefe kapa lefe le taolong ya motho eo ho mofuputsi, ha mmofuputsi a etsa kopo ka mabaka a utlwahalang.
Batho ba hlongwang dipotso ke mofuputsi ya hirilweng ho latela temanyana ya 2 ba lokela ho araba potso e nngwe le e nngwe ka tsebo ya bokgoni bohle ba bona, empa ha ho motho eo ho hlokehang hore a arabe potso efe kapa efe e tla mmeha ka mosing ka ho e araba.
Bolaodi bo ka theha mokgwa wa lesedi la naha le tlhokomelo mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa kahare ho Afrika Borwa.
Mokgwa wa lesedi lena o ka kenyeletsa, hare tse ding?
a bukana e ngodisang batho bohle ba nang le ditumello tsa polokeho b ntlha efe kapa efe eo lekgotla le nkang hore ke ya bohlokwa kapa e a hlokeha.
Bolaodi bo ka hloka hore motho ofe kapa ofe, hore nakong e utlwahalang kapa kgafetsa jwalo, a fane ka lesedi lefe kapa lefe ka mokgwa o ngotsweng, ditokomane, disampole kapa theepa e hlokehang ka mabaka a utlwahalang ka morero wa mokgwa wa lesedi lefe kapa lefe kapa mokgwa wa tlhokomelo.
Lesedi le furweng ke mokgwa ofe kapa ofe wa lesedi kapa mokgwa wa tlhokomelo o thehilweng ho latela kgaolo ena le lokela hore le etswe hore le fumanwe ke Bolaodi, ho nketswe hloohong meedi efe kapa efe e behilweng ke Molao wa Kgothaletso ya ho Fihlella Lesedi, wa selemo sa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa selemo sa 2000), le tefo ya tjhelete e itseng e tla behwa ke Bolaodi.
Letona le ka nna la etsa melawana e laeletsang?
a tataiso, mehato, maemo le mekgwa ya ho hlokomela; le b sebopeho, mofuta, nako le sebopeho sa lesedi le lokelang hore ho nehelanwe ka lona bakeng sa tlhahlobo ho latela Kgaolo ena.
Motho ofe kapa ofe eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlahlobi wa polokeho, e ka ba ho latela temana ya 37, kapa tshebediso ya matla afe kapa afe ao a fuweng ho latela Bili ena, o na le hona ho ka etsa boipiletso kgahlanong le qeto eo ho mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
b mme o lokela ho lokodisa hantle mabaka a boipiletso boo.
a o tla tiisa, a qhelele thoko kapa a etse qeto e nngwe e fapaneng; kapa b a fetole qeto efe kapa efe e nngwe bakeng sa qeto e entsweng ke mohlahlobi wa polokeho.
Motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di anngweng hampe ke qeto ya mohlanka ya ka sehloong wa phethahatso, mohlomong ho latela temana ya 443 kapa ka ho phethahatsa matla ao a nang le wona ho latela Bili ena, a ka etsa boipiletso ho lekgotla kgahlano le qeto eo.
a ho kenngwa nakong ya matsatsi a 60 ka morao ho letsatsi leo qeto e neng e tsebahatswa ka lona ke lekgotla kapa letsatsi le leng le tlang ha morao ho latela ka moo lekgotla le tla dumela ka teng; mme b ho lokodisa mabaka a hao a boipiletso.
a tiise, le qhelele ka thoko kapa le fane ka qeto e nngwe e fapaneng; kapa b fetole e nngwe ya qeto bakeng sa qeto ya mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso.
Motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di amehileng ha bohloko ka lebaka la qeto ya lekgotla, mohlomong ho latela temana ya 453 kapa phethahatsong ya matla afe kapa afe a Bili ena, a ka iketsetsa boipiletso kgahlanong le qeto eo ho Letona.
a ho kenngwa nakong ya matsatsi a 60 ka morao ho letsatsi leo qeto e neng e tsebahatswa ka lona ke kekgotla kapa letsatsing le leng le tlang ha morao ho latela ka moo Letona le tla dumela ka teng; mme b lokodisa mabaka a boipiletso bona ba hao.
a tiise, le qhelele ka thoko kapa le fane ka qeto e nngwe e fapaneng; kapa b fetole e nngwe ya qeto bakeng sa qeto e entsweng ke lekgotla.
Motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di amehileng hampe ka lebaka la qeto ya Letona, mohlomong ho latela temana ya 463 kapa phethahatsong ya ya matla afe kapa afe a Bili ena, a ka iketsetsa boipiletso Lekgotleng le Phahameng la dinyewe.
b ho lokodisa hantle mabaka ao ka yona ho lekelwang hore ho etswe tekolo.
Tekolo ena e lokela ena e lokela hore e ntshetswe pele jwalo ka ha e ka ke qeto ya tekolo ya lekgotla la Mmaseterata Lekgotleng le Phahameng la dinyewe.
o molato ka ho tlola molao.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le pallo efe kapa efe ya Bili ena kapa pehelo, tsebiso, taelo, thibelo, tumello ya polokeho, tumello, molawana, boemo, monyetla, setifikeiti kapa tokomane e behilweng, neo, ho ntshitsweng, kgweletso kapa eo ho fanweng ka yona ho latela temananyana ya 1, o molato ka ho tlola molao.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng kotlo hobane a tlotse molao ho latela temanyana ya 1 kapa ya 2 o jara boikarabelo ba kotlo ya tefiso kapa ho hlola tjhankaneng nakong e sa feteng dilemo tse kapa dikotlo tseo di le pedi eleng ya ho lefa le ho hlola tjhankaneng.
a ka kopo e ngotsweng ya motho ya tswileng kotsi kapa ya lahlehetsweng; kapa b ka kopo e ngotsweng e tswang ho Letona kapa ho Bolaodi ho latela tshenyo e bakilweng theepeng kapa tikolohong; le c boteng ba motho ya fumanweng a le molato, a etsa potsisiso ntle le ho totobatsa boemo ba hae ntlheng ya ho tswa kotsi, tahlehelo kapa tshenyo le ho tsepamisa boholo ba kameho eo.
b laela hore moqosuwa a lefelle ditshenyehelo tsa mehato e nkilweng ya tlhabollo kapa eo eleng hona e tla nkuwa; kapa c laela hore mehato ya tokiso e etsuwe ke moqosuwa.
Ha ho na le ketso kapa bolebadi ba mosebetsi kapa moromuwa?
a e nkuwang e le tlolo ya molao ho latela Bili ena mme hona ho etsuwa ka boomo kapa tumello e sa qaqiswang hantle ya ramosebetsi kapa hlooho ya mosebetsing, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng, ramosebetsi kapa hlooho ya mosebetsi, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng, ha mmoho le taba ya hore mosebetsi kapa moromuwa kapa hlooho ya mosebetsi, o tla jara boikarabelo ba kotlo ya tlolo eo ya molao; kapa b e tla nkuwa e le tlolo ya molato ke ramosebetsi kapa hlooho ya mosebetsi, ho latela ka moo ditaba di tla beng di le ka teng, ho latela Bili ena hore mosebetsi kapa moromuwa ha mmoho le taba ya hore ramosebetsi kapa hlooho mosebetsing ba tla jara molaoto wa tlolo ya molao, ha feela ho na le bopaki ba tlolo eo e bolelwang ke ramosebetsi, hlooho mosebetsing kapa moromuwa, ho latela ka moo ditaba di leng ka teng, e tla ba bopaki bo bonahalang ba hore motho ya boletsweng o molato ho latela temana ena.
Motho e mong le e mong eo eleng molaodi kapa eo e neng e le molaodi wa motho ka molao nakong eo motho eo wa molao ya ileng a fumanwa a le molato ka tlolo ya molao tlasa Bili ena a neng a tlola molao ona ka boyena o tla fumanwa a le molato wa tlolo e bolelwang mme o na le boikarabelo kotlong ya ho lefiswa e qaqisitsweng ha e ba tlolo eo ya molao eo ho buuwang ka yna e ile ya ba teng ka lebaka la ho hloleha ha molaodi hore a nke mehato yohle e utlwahalang e neng e hlokahala tlasa maemo oo ho thibela hore tlolo eo ya molao e seke ya ba teng: Ha feela ho na le bopaki ba tlolo eo e bolelwang ke motho eo wa molao e tla ba bopaki bo bonahalang boo molaodi aa tla fumanwa a le molato ka bona tlasa temana ena.
Lekgotla le Phahameng la dinyewe, ka kopo ya Letona kapa ya Bolaodi, le ka fana ka tahibelo kapa taelo efe kapa efe e nngwe e loketseng kgahlanong le motho ofe kaapa ofe ya tlotseng dipehelo dife kapa defe tsa Bili ena, ho kenyeleditswe le taelo ya hore ho kgaotswe mosebetsi ofe kaapa ofe o nkuwang e le tlolo ya molao le ho phekola tshusumetso e sa nepahalang ya tlolo eo ya molao.
a tlolo ya molao oo kapa ho hloleha ho inyalanya le ona, ke tlolo ya molao; mme b motho ya fumanwang a le molato ka tlolo eo lya molao o tla fuwa kotlo e nang le tefiso e laeleditsweng kapa nako ya ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng nako e laeleditsweng.
Lekgotla le ka kgothaletsa ho Letona hore ho etswe molawana ofe kapa ofe o lohothwang ho latela Bili ena, mme kgothaletso eo e lokela ho lekolwa ke Letona.
c ho thuisa maikutlo kaofela a amohetsweng mohla letsatsi leo le boletsweng kapa pele ho letsatsi leo le qaqisitsweng seratswaneng sa aii; le d hore ha Palamente ya Naha e etsa kopo kapa Lekgotla la Naha la Diprovense kapa komiti ya Palamente kapa ya Lekgotla la Naha la Diprovense ho be le tlaleho ka moo maikutlo a itseng a ikgethang a ileng a lekolwa ka teng, kapa ha e ba maikutlo ha nkellwa hloohong, le teng ho fanwe ke lebaka hore ke hobaneng ha maikutlo ao a sa ka a tsotellwa.
Letona le ka nna la etsa melawana?
a e sebetsanang le le ntlha efe kapa efe eo ho latela Molao ona e lokelang hore e sebetswe ka molawana o itseng; le b ka kakaretso, ho phethahatsa merero le dipehelo tsa Molao ona.
Letona le lokela hore nakong ya matsatsi a 30 ka morao hoba melawana efe kapa efe e etswe ho latela Bili ena, le teke melawana ena ka pele ho Palamente le Lekgotla la Naha la Diprovense.
Bili ena e tlama makala ohle a Mmuso.
a phethisong ya matla afe kapa afe kapa phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Bili ena; kapa b ho hloleha ho phethisa matla afe kapa afe, kapa ho phethahatsa mosebetsi ofe kapa ofe ho latela Bili ena, ntle le ha ho phethisa kapa ho hloleha ho phethisa matla, kapa phethahatso kapa tlholeho ya ho phethahatsa mosebetsi ona e ne e le ketso eo eseng ya molao, e bohlaswa kapa e le ntho e entswe ka ho tshwetso.
Moo mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng e ne e tla ntlafatsa polokeho ya ralewa kapa tshebetso e bolokehieleng ya ralewa, dikopo di ka nna tsa etswa ke lekgotla kapa motho ofe kapa ofe ho Letona bakeng sa thuso ya ditjhelete e mabapi mosebetsi o lohothwang, kaho kapa mesebetsi e meng.
Moo kopo e amohetsweng tlasa temanyana ya 1, Letona, ha le kgotsofetse hore kopo e entswe ka mokgwa o nepahetseng le hore tshebetso e bolokehileng ya ralewa e tla matlafatswa ha ho ka etswa mosebetsi oo o lohothwang, kaho kapa mosebetsi o mong, le ka nna la dumela hore ho be le thuso ya ditjhelete ka morero wa ho lefella mosebetsi kaofela kapa karolo ya ona, wa kaho kapa mesebetsi e meng.
a le abilweng ke Palamente; kapa b leo tlasa Bili ena kapa leo ka molao le sebedisetswang morero ona oo ho buuweng ka ona.
Motho eo ka boomo a hlolehang ho ikamanya le boitlamo bofe kapa bofe bo qobellwang ke Bili ena ha a tshwanelwa ke ho fumana thuso ena ya ditjhelete tlasa Bili ena.
Letona le ka etsa melawana mabapi le?
b mokgwa oo thuso ya ditjhelete e lokelang ho kopuwa ka ona; le c dipehelo le dipallo tse tsamayang le thuso efe kapa efe ya ditjhelete eo ho nehelanwang ka yona.
Letona, ka ditherisano le Kabinete, ka tsebiso ya Koranta ya Mmuso, le ka hloka hore Bolaodi bo phethahatse tumellano efe kapa efe ya matjhaba e kenetsweng ke Afrika Borwa le mmuso wa kantle e amanang le tshebetso ya bolokehileng ya ralewa.
Ntle le moo tumellano ya matjhaba e fanang ka monyetla o mong, Bolaodi bo lokela ho tlaleha ho Letona ka phethahatso efe kapa efe ya mesebetsi ya teng tlasa temanyana ya 1 nakong ya dikgwedi tse tharo pheletsong ya selemong sa ditjhelete.
Tlaleho eo ho buuwang ka yona temanyaneng ya 2 e lokela ho ba le lesedi le lekaneng le tla dumella Letona ho ka hlahloba mosebetsi wa Bolaodi mabapi le msebetsi ya bona tlasa temanyana ya 1 kgahlanong le merero e lokodisitsweng tumellanong e tshwanetseng ya matjhaba.
Dipehelano tsa Bili ena di tla be di tlatsetsa melawana e meng e sa thulaneng le tsona kapa e sa kgemeng ha mmoho le tsona mme tsona ha di fokotse letho le teng.
b boemedi bo jwalo bo ka etswa hore bo itshetlehe dipehelong tse jwalo kapa meeding ho latela ka moo motho ya etsang boemedi boo a ka qaqisang ka teng; le c matla a boemedi ao ho nehelanweng ka yona jwalo, ao ha a phethahatswa kapa a phethiswa ke motho ya fuweng matla a jwalo, a lokelwang ho nkuwa a phethahaditswe kapa a phethisitswe ke motho ya etsang boemedi bo jwalo.
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e ntshitsweng ho latela Bili ena ka moya motle ke Bolaodi e bile e saennwe ke modulasetulo kapa mohlanka ya ka sehloohong wa phethahatso wa Bolaodi e lokela ho nkuwa e intshitswe e bile e dumeletswe ka moo ho nepahetseng ka teng ho latela qeto e sebetsang, ho fihlela ho ka hlahiswa bopaki bo hanyetsanang.
Tokomane efe kapa efe e ntshitsweng ho latela Bili ena ntle le tumello e ka tiiswa ha morao.
Tsebiso, taelo kapa tokomane e nngwe e intshitsweng ka moya o motle ho latela Bili ena, empa e sa tsamaelane le Bili ena, e na le matla a tshebetso ha tlhokeho ya boikamanyo e se e behang motho ofe kapa ofe ka mosing.
b e le ho seng ho ile ha lokisitswa ka morao ho moo; mme c ho sa behe motho ofe kapa ofe ka mosing.
Ho hloleha ka moya o motle ho ka tshwara ditherisano kapa ho romela ditsebiso ho motho ofe kapa ofe ya tshwanelehileng kapa mokgatlong o itseng ho latela ka moo Bili e hlokang hore ho etswe ka teng ha ho hlokise matla ketso efe kapa efe kapa tsela efe kapa efe eo ditherisano tse jwalo di hlokahalang pele ka lebaka la yona.
ka ho hokela ka mokgwa o bonahalang tokomane ena sebakeng sa bokeno sa aterese e ngodisitsweng kapa sebakeng sa sehlooho sa kgwebo sa motho wa molao; kapa v ka ho romela ka letsoho sethong se seng le se seng sa lekgotla la balaodi kapa lekgotleng le laolang sa motho wa molao.
Tsebiso efe kapa efe, taelo kapa tokomane e nngwe eo ho nehelanweng ka yona ho latela temanyana ya 1 e nkwa e finyeletse ho motho, ntle le ha ho ka bontsha bopaki bo hanyetsanang le ntlha ena.
Melawana e lokodisitsweng Lenaneng la 2 mona e fedisitsweng ho latela bonamo bo lokodisitsweng karolong ya boraro ya Lenane leo.
a ho fihlela bonamong boo ho bona o sa tsamaelaneng le Bili ena; le b ho fihlela o fedisitswe ke Letona tlasa Bili ena.
Ena ke Bili ya Bolaodi ba Polokeho ya Ralewa ya selemo sa 200 .. , e tla qala ho sebetsa ho tloha mohla letsatsi le behilweng ke Mopresidente ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso?
letoto la dihlooho le matsatsi a ditokomane kaofela tsa mokgwa wa mosebetsi wa taolo ya polokeho le hlalosang hore mosebetsi o kgona ho ikamanya le boitlamo ba hae jwang mabapi le karolo e nngwe le e nngwe ya taolo ya polokeho; le letoto la ditumellano le basebetsi ba bang.
Dintlha tsa 1, 2 , 3 le 4.
<fn>sot_Article_National Language Services_MORALO WA KARABEL (1).txt</fn>
Hobaneng ho ba le Moralo?
Moralo ona o ngotswe ke Lefapha la Mmuso wa Lehae le Diporovense (lmd) ho thusa ka tataiso ho bomasepala le ba basebedisi ba bang a moo ba ka arabelang ntshetsopeleng le ho ba teng ha puso ho HIV le Phamokate ho tsa lehae.. Ho na le ho tsamaelana ho hoholo mahareng a ho tshwaetsa ho phatlalletseng ha HIV le maemo a ho se tswelepele, bofuma, le ho kgola tjhelete le ho se lekane ka bong. Jwalo feela, bophelo bo botle le ho ba teng ha phedisano-moruo ka HIV le Phamokate, di a hodiswa ho ya ka bofuma le ho hloka. HIV le Phamokate din a le ketsahalo e bonahalang mabapi le ho busa ho phethahetseng makaleng a dipolotiki le taolo tsa bomasepala, mme di ka baka ho fokotseha ha matla a bomasepala ka tsela e sa lokang hore ba ka thusa ka mosebetsi wa ntshetsopele wa ho thusa ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase, bodulo jj. ka mokgwa wa hore di tswele pele.
o hlalosa lenaneo le tshehetsang la setjhaba ho thusa bomasepala ka ho ikamahantsha le ho phathahatsa Moralo ho ya ka boemo ba tikoloho ya bona.
Ho fetoha: Ikamahenye le mokgwa o fapaneng o lekanyetsang ka moo ho amohelwang batho ba amohelang ka teng, e ahah hodima matla le dithuso tse rerilweng tsa ho hlokomela ditlhoko tsa lehae.
<fn>sot_Article_National Language Services_MORALO WA KARABELO YA.txt</fn>
Hobaneng ho ba le Moralo?
Moralo ona o ngotswe ke Lefapha la Mmuso wa Lehae le Diporovense (lmld) ho thusa ka tataiso ho bomasepala le ba basebedisi ba bang a moo ba ka arabelang ntshetsopeleng le ho ba teng ha puso ho HIV le Phamokate ho tsa lehae.. Ho na le ho tsamaelana ho hoholo mahareng a ho tshwaetsa ho phatlalletseng ha HIV le maemo a ho se tswelepele, bofuma, le ho kgola tjhelete le ho se lekane ka bong. Jwalo feela, bophelo bo botle le ho ba teng ha phedisano-moruo ka HIV le Phamokate, di a hodiswa ho ya ka bofuma le ho hloka. HIV le Phamokate din a le ketsahalo e bonahalang mabapi le ho busa ho phethahetseng makaleng a dipolotiki le taolo tsa bomasepala, mme di ka baka ho fokotseha ha matla a bomasepala ka tsela e sa lokang hore ba ka thusa ka mosebetsi wa ntshetsopele wa ho thusa ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase, bodulo jj. ka mokgwa wa hore di tswele pele.
o hlalosa lenaneo le tshehetsang la setjhaba ho thusa bomasepala ka ho ikamahantsha le ho phathahatsa Moralo ho ya ka boemo ba tikoloho ya bona.
Ho fetoha: Ikamahenye le mokgwa o fapaneng o lekanyetsang ka moo ho amohelwang batho ba amohelang ka teng, e ahah hodima matla le dithuso tse rerilweng tsa ho hlokomela ditlhoko tsa lehae.
Ho haha matla le Boetapele: Phahamisa le ho ntshetsa pele bokgoni bo loketseng ho bohle ba kenyaneng letsoho hore ba phethise boikarabelo ba bona ba ho shebana le mathata a HIV le Phamokate.
Tshebedisano: Lokisetsa dipuisano tse kenyeletsang tsohle tsa ba nang le kabelo le puisano, ho kgothaletsa ntshetsopele e kgothaletswang ke tshebedisano ho raleng le ho phethiseng le mafapha ohle a mmuso, setjhaba, karolo ya e seng ya mmuso, le makala a thusang a ntshetsopele.
Mokgwa o thehilweng hodima Ditokelo tsa Ditshebeletso tsa Basebetsi: Phahamisa tshireletso ya ditokelo tsa ditshebeletso tsa basebetsi le seriti ya batho ba tamehang le ba tshwaeditsweng ke HIV.
Ke mang ya lokelang ho sebedisa Moralo?
Moralo o reretswe e le mohlodi wa boralekgotla bohle le bahlanka ba mmuso masepaleng, ba bang ba ba kenyang letsoho dikarolong tsohle tsa poraevete ba sebedisanang le, mme ba tshehetsa mmuso wa lehae le mafapha a setjhaba, Mokgatlo wa Mmuso wa Lehae wa Afrika Borwa (MMLAB), SACN, megatlo ya setjhaba le mekgatlo e thusang ka ditjhelete.
Phethahatso ya Moralo ona e batla mokgwa o thehilweng hodima tshebedisano e mabapi le morero wa ntshetsopele le phethiso. Basebedisani ba ka bang teng ba kenyeletsa mafapha a setjhaba le provense, karolo ya praevete, dihlopha tse nang le tjantjello, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso,, Mekgatlo e Thehilweng hodima Setjhabana, FBOs, PLWHAs, marena, parastatals, diinstitushene tsa phuputso.
Mesebetsi ya masepala ho phethahatseng dikarabelo tse ngata tsa HIV le Phamokate ho tloha ho beng moetsi, mothusi/ molaodi, mohokahanyi/mothusi le mokopanyi.
Moralo le ona o qaqisa ka moo bomasepala ba ka hodisang dipoelo ka ho thusa ka mesebetsi ya mafapha a mmuso ka teng ho arabeleng sewa sena..
Re mema mafapha a mmuso, setjhaba, ditjhabana tse fanang, le ba nang le hona ho ka kenya letsoho ho ba le lmld ka ho sebedisana le bomasepala ho bebofatsa sekgahla sa HIV le Phamokate lehaeng.
<fn>sot_Article_National Language Services_MORALO.txt</fn>
Hobaneng ha ho hlokeha moralo o motjha?
Ka mora dilemo tse leshome tsa demokerasi, e nngwe ya diqholotso tse kgolo tseo mmuso o tobaneng le tsona ke ho shebana le ho salla morao ha matlo a amang balelapa ba dimilione tse 2.
Palohare ya ho hola ha baahi ba 2.1% ka selemo, bao ka mora dilemo tse hlano ba bakileng keketso ya baahi ya 10.4% kapa e fetang batho ba dimilione tse 4.
Keketso ya 30% palong e felletseng ya balelapa e hlalositseng hore boholo ba 20% bo batla matlo ho feta ka moo ho neng ho lekantswe ka teng.
Ho ya ka tikoloho ya motsesetoropo, ho bile le ho hola ho potlakileng. Nngwe bohlanong ya baahi ba motsesetoropo ke matlabotjha metsesetoropong. Metsesetoropo ya naha e lebeletswe ho hola ha lebelo la 2.7% ka selemo , mme Kgauteng e na le kgolo e habedi ya setjhaba e latelwang ke Kapa Bophirimela, KwaZulu-Natala le Mpumalanga.
Jwale, le ha ho ile ha hahuwa matlo a dimilione tse 1,6 dilemong tse leshome, Lefapha la Matlo le sitilwe ho ka haha matlo a lekaneng le mabaka a mang a mangata a bakileng keketso ho se haheng matlo ho tloha dilemong tsa bo1990.
Seo mmuso o neng o se hloka hape tsamaisong ena ke diphapang tsa phedisano le jeokerafi. Borarong ba setjhaba bo sa ntse bo dula makeisheneng ha mmoho le naheng e ka thoko moo mekhukhu e neng e ahwa ka potlako teng. Tsena tsohle tse hlahellang le ho eketseha ka ho batla keketso ha batjha mabapi le matlo a hlophisitsweng.
Diporovenseng tse ding ho fokotseha ha phumantsho ya matlo ho tsamaelanang le hore malapa a 800,000 a lenaneng la tshehetso ka ditjhelete, le ona a batla mokgwa o motjha wa ho thuswa o shebaneng le mathata a phumantsho ya matlo dilemong tse leshome tse tlang.
Ka ntle ho tieho ya ho fumana matlo, phumantsho eo ha e a ka ya fapana le moralo wa apareteiti.
kgwebo ya boemo bo tlase e bakile bofuma bo boholo; mme ho hlokeha ha dibaka tsa ho ikgatholla ho baka bahahi ba hlokang, ba nyahammeng ba se nang letho leo ba le etsang le moo ba ka yang teng.
Ka lebaka la moralo wa sebaka wa apareteiti le hore batho ba batsho ba bangata ho feta merabe e meng, matlo a boemo bo tlase a bonwa a tsamaelana le batho ba batsho dibakeng tsena tseo e leng hore di hloka phedisano le moruo.
Le hore ho bonahala eka ha ho na hore ho ka etsahala hore ho be le ho phedisana, hona ho bakile hore baahi ba dule dibakeng tse arohaneng.
Ke ka lebaka la motheo ona hore Mopresidente Mbeki a laele Lefapha la Matlo ka 21 Mmesa 2004, hore le thuse dikgweding tse tharo ka lenane le felletseng le sebetsang ka moo batho ba tla dula teng le dintho tse ka thusang tsa phedisano.
Batho ba futsanehileng ba hire matlo; Ho potlakisa; le ho kopanya Merabe.
phumantsho ya matlo e lenama; ha mmoho le ho shebana le qaka ya mekgwa ya sebaka sa bodulo; le tse ka etsahalang ka tsena boitekong ba rona ho haha setjhaba se hlokang bomorabe.
Batho ba tla una molemo ofe?
Ho Maafrikaborwa ohle e fana ka monyetla wa ho fumana matlo dibakeng tse behilweng hantle; tse radilweng le tse sebeditsweng pele.
Ho bafutsana ba dikojwana mahetleng k.h.r. mapenshenara le bafutsana, bokgoni ba ho fumana matlo a bonahalang a ka hirwang kapa ho ka ba le matlo ho sa hlokwe ho boloka tjhelete.
Bao ba lefuwang tjhelete e kgotsofatsang, k.h.r.
R3 501 R7 000, ho ka ba le hona ho fumana mokitlana dibankeng le ho hong mabapi le dipositi e fumanwang mmusong?
Bohle ba fumanang tshehetso ya ditjhelete ba tla fumana mokitlana o ekeditsweng le boikgethelo ba ho ba le matlo le matlo a boemo bo hodimo.
Matlo a boemo bo hodimo a bohle ba ka tshehetswang ka ditjhelete.
Ho ba sa tsitsang ka bodulo metsesetoropong le ba batlang mosebetsi ba dulang ba falla le basebetsi ba dinako tse itseng selemong, ho ka hira metseng e meholo ha ba sa ntse ba e na le matlo mahaeng.
Ho ba le tshepo ha batho ba dulang mekhukhung ho ba le bophelo ba kgahlisang ka Lenaneo la Ntlafatsa Bodulo, ha Mmuso o shebana le hona.
Mabapi le mekgatlo ya ditjhelete, ho itella ho sebedisana le Mmuso le mokgwa o kgothaletswang wa ho adima tjhelete.
Mmuso o itella ho thusa mekgatlo ka ho sebetsa mmoho le yona, ho hlekelwa sebae ka ho ba le dikgothaletso tsa ho kenya letsoho phumantshong ya matlo ho bafutsana.
Hore Maafrikaborwa ohle, a kenye letsoho mokgweng wa ho potlakisa ho thusa ho tlisa bodulo bo sa kgaotseng.
Metheo ya leano e dula e ntse e lokile ebile e le e metle, empa moralo o motjha o a hlokeha ho lebisa hape le ho phahamisa mekgwa e teng ya ho tsamaela ho lebeng thusong e arabelang le e phethahetseng.
Dipuisano tsa mafapha ka boona.
Moralo o motjha wa bodulo ba batho o matlafatsa ponelopele ya Lefapha la Matlo, ho ntshetsa pele katleho ya phedisano e hlokang bomorabe, e kopaneng ka ntshetsopele ya ho tswela pele ha bodulo ba batho le matlo a maemo.
Ho sebedisa ho fumaneha ha matlo jwalo ka sesebediswa sa ho tswelapele ho sa tlo fela ha bodulo ba batho, ho tshehetswa ho hlophisa hape dibaka tsa ho dula.
Ka Lefapha la Matlo, Mmuso o tla tsamaisa e seng feela tefello e tlase ya ho fumana matlo, empa maraka ohle wa bodulo.
Ho tla ba le ho ritsa ho bonahalang ho aheng feela matlo ka mela ho ya ho thuseng ha bodulo ba batho.
Ho ralwa ha leano le ntshetsopele di tla ntlafatswa ka ho sebedisa leano, ho le lekola le ho le hlahloba.
Lefapha le tla sebetsa ho tloha ho ho ralweng ha leano feela, empa ho sebedisa leano.
Batho ba bangata, ba amohelang meputso ka ho fapana, ba tla thuswa. Mmuso o tla fana ka tjhelete e loketseng le ho thusa jwalo ka ha ho bontshitswe Lebokoseng la B. Dilemong tse leshome tse fetileng, batho ba fumanang moputso o mahareng a R3 501 le R7 000 ba ne ba sa thuswe ho ya ka tshehetso ya ditjhelete ya matlo ya Mmuso. Ho fokotsa ho dieha ho fumantsha matlo ha mmoho le ho kgothaletsa dibanka ho adima batho ba bangata le ho feta, Lefapha jwale le tla tseba jwale ho thusa batho ba amohelang jwalo ho fumana mokitlane dibankeng le ho tshehetsa karolo e hlokwang ya dipositi. Ho lebeletswe hore mokgwa ona o tla thusa ho kgothaletsa batho baneng ba hloka ba bangata ba ho ba le matlo. Ka tsela ena, hona ho tla etsa hore batho ba bangata ba be le matlo.
Ba tla fumana lefa ka mathata a leruo, ba sitwang ka dinako tsohle kapa nakwana feela ho ikahela matlo a bona, mme ba amohela moputso o sa feteng R1 500 ka kgwedi, le bona ba ka ngolla hore thuso ya ditjhelete ya R28 500 e eketswe hore ba kgone ho ba thusa ho ka haha matlo.
Ngaka e ngodisitsweng e lokela ho tiisa hore motho eo o phetse jwang ha motho ya kulang a ngodisetsa thuso ya tjhelete. Molao wa ho nahana ka tshebediso e tjena, ke hore ho fokola ho jwalo, bonyane, ho dule ho le teng ka nako ya morereo kapa e be ho teng ho ya ho ile.
Metsofe le ba holofetseng ba a kenyeletswa mokgweng ona le bona.
Tshuso e fetileng ya tjhelete e fedisitswe e le hore ho be le phumantsho e kgolo ya ho lefella matlo. Hona ho entswe e le hore ho be le batho ba bangata ba neng ba sa be le hona ho ka fumana thuso ya tjhelete ya ho fumana matlo nakong e fetileng. Mabpi le taba ena ho thehilwe ho arolwa ha mekga e meraro jwale ka ha ho bontshitswe Lebokoseng la B.
Morero o beha ntshetsopele le ho fana ka boemo bo hodimo ba matlo ka pele ho e na le hore ho hahilwe matlo a makae. Ena ke taba eo ho ke keng ha nkisanwa kgang ka yona, mme Lekgotla la Ngodiso la Matlo la Setjhaba (LNMS) ke mokgwa o thehilweng wa ho hlokomela hore tsamaiso ena e a phethahatswa. LNMS ke yona e hlokomelang boemo bo hodimo ba ntshetsopele e hodimo ya matlo le ho thibela diphoso matlong.
LNMS le hlalositse hore ho ya ka moralo o motjha wa matlo, ho ka hahuwa matlo a dikamore tse tharo ho ya ka thuso ya tjhelete ya R25 800. Dipallo di se di sebeditswe. Tsena e tla ba ditlhoko tsa boemo tsa dikonteraka tsohle, tseo ho tla fanwang ka setifikeiti ka tsona ke LNMS.
Ka moo Mmuso o tla sebetsang ka teng ka mafapha a mangata o tla matlafatswa ka ha ho pehelo ya motheo o moholo le ho ba teng ha naha di tla tsamaiswa mmoho.
Dithuso tsa ditjhelete di tla sebedisetswa ho ya ka bomeo bo hodimo le hlophiso e hodimo e kgolo.
Letsholo le kenyeletsang tsohle ka thuso ya bareki ho etsa hore ho be le tsebo ka matla a ntlo ho hlahisa leruo.
Ho kgothaletsa mahokela mahareng a mebaraka ya motheo le ya bobedi.
Ho potlakisa ho fumana ha mangolo a molao a ho ba le ditsha.
Pehelo ya bodulo ba rente e tla bay a mantlha. Bodulo ba matlo a rentuwang bo tla etswa hore e be ba bohle ba fumanang meputso e fapaneng ho kenyeletswa le ba thuswang ka tjhelete e leng maqheku, ba tswang ka ntle ho naha le basebetsi ba hahlaulang naha. Ho tla ba le mefuta ya boikgethelo bo fapaneng ba ho renta ho kenyeletswa ho renta ho reka kapa ho renta ha nako yohle ho dumella batho ho sebetsa metseng e meholo kapa ditoropong le, ha eba ba ikgethela, ba boloke matlo a bona ao ba nang le ona mahaeng. Ena e tla ba karolo ya seo ba thusang ka sona ho ntjhafatseng metse ya ditoropo le kgodiso hape ya bohare ba metse e meholo.
phetolo ya meaho ya e bohareng ho metse e meholo hore e be bodulo bo rentuwang babatho ba amohelang moputso o tlase; le ho sebedisa mekgwa e loketseng ya ho sebedisa melao ho beng ba meaho ba bodulo bo rentuwang.
Menyetla e mmedi eo j.
Ho tla ba le ho fumaneha ho hoholo ha ho rentwa ha matlo ho potlakisitsweng.
Bodulo bo tla fumaneha ka ho renta ho reka.
Ho tla ba le kgothaletso ya ntjhafatso ya metse ya ditoropo le kgodiso e nngwe hape ka dikgothaletso tsa lekgetho mabapi le bantshetsipele le bareki.
Ho fumaneha ha matlo ho tla kopanngwa le dikgothaletso tsa lekgetho tsa sebaka tsa ntshetsopele ya motes wa toropo.
Moralo o boela o sebetsana le mathata a tsamaelanang le dibaka tsa baipehi tse jwalo ka tshubuhlellano, bofuma, ho hlokeha ha dibaka tsa boiphediso le mathata a bophelo bo bottle. Hapehape, ho fana ka thuso ya tshireletso ya setsha ho ba dulang dibakeng tsa baipehi e tla ba taba ya mantlha.
Ka tshebediso ya moralo, baahi ba hlokang batla qalella ho fumana ditshebeletso, boikgethelo bo boholo ka mofuta wa matlo le, haholoholo, bophelo bo molemo. Sepheo ke ho hlokomela hore nakong ya dilemo tse leshome boholo ba dibaka tsa boipehi di tla be di tlositswe ho na le matlo a hahilweng. Ona ke mokgwa o motjha o kenngwang wa ntshetsopele o tla shebana pele le tshebeletso ya tlokotsi le ho hlokeha ha matlo, mme qetellong ho thuswe batho haholo ba dulang dibakeng tsa boipehi. Morero wa mmila wa N2 Motsekapa ke morero wa pele wa ho fedisa bodulo bona ba boipehi. Porovense ka nngwe e tla ba le mahlakore a mabedi ao e tla a ntshetsa pele e le merero e ka sehloohong. Ya pele e tla ba ho tloswa ha dibaka tsa boipehi; mme e nngwe e tla ba ho thehwa ha dibaka tsa batho.
Ho tla ba le tshusumetso ya bohle le e tshebedisano mabapi le ho fedisa dibaka tsa boipehi ho ya ka dinako tse behilweng.
Dibaka tsa boipehi di tla ntlafatswa ho ya ka sebaka se batsi naheng e loketseng.
Ho ya ba le bonnete, ho ka fihlella ditshebeletso tse loketseng, tshireletso, le boikgethelo ba matlo a maemo a hodimo a baahi.
Ho na le madulo a fetang dimilione tse 2.2 tse hlophisitsweng e le mekhukhu.
Ho hlokeha motheo o jwalo ka tsamaiso ya dikgwerekgwere le metsi a phallang.
Bosinyi bo eme ka maoto ka ha ho boima ho fihlella diteshene tsa mapolesa le mapolesa a tsamayang hohle.
Ditshila tse tletseng hohle.
Dikgokahanyo tsa teranseporoto di a sitisa ka ha ditsela ha di a tshelwa sekontiri.
Ha ho na dibaka tsa ho itlhwekisa tsa setjhaba.
Phetolo ya meaho e ka hara motsemoholo hore e be bodulo bo rentwang ba tefello e tlase.
Ho sebediswa mokgwa o loketseng wa ho laola beng ba meaho ka bodulo bo rentwang.
Dihosetele tsa Kgwebo, tseo e leng tsa kgale, moo ho neng ho dula basebeletsi ba tswang hole, di tla hahuwa hape.
Diyuniti tse rentiswang tsa tefello e tlase, tseo e tla bang mohlomong tsa motho a le mong kapa lelapa, di ntjhafatswe hore e be bodulo bo bottle.
ho ka fihlella ditefello tse theotsweng ke moadimi; le ho thusa bao ba fumanang meputso e tlase ho ka fumana bodulo bo botlo le bo ka kgonwang ho lefellwa.
Ka ha boholo ba thepa hbo k eke ba fetiswa ka lebaka la ho ba morao ha ditefello le ditshebeletso, Lefapha le tla kgothaletsa hore ho hlakolwe ditefello tse salletseng morao.
Ho eketswe Tshehetso ya Ditjhelete ya motho e mong le e mong ka boleng ba yona ba hona jwale ho ya ka ditjeho tsa thepa. Ebe jwale ho lebiswa tsena bathong.
Mmuso o tla be o sebetsa ka bokgabane?
Tshehetso ya bodulo ka tjhelete jwale bo tla sebedisetswa ho haheng moaho wa maemo.
Menyetla e meng e sebedisitseng boholo ba tjhelete ya bodulo, jwalo ka motheo, e tla ba teng mabapi le Mmuso wa Lehae le Porovense, Tshehetso ka Tjhelete.
Ditjeho tsohle tse ding tsa menyetla tse tsamaelanang le bodulo jwale e se e tla ajwa ke Puso.
Ha ho na ho nka nako e telele ho haha matlo a maemo a hodimo hobane mmuso o tla be o sebetsa hantle ho feta.
Mmuso o ke kwa thusa ka moralo ona e le nngwe feela. Ho tla batlwa dikgwebisano tsa Kgwebo e Ikemetseng e le hore di dumele ka konteraka e boletsweng.
sebedisa dinyehelo Kareteng ya Ditshebeletso ya Ditjhelete; le ho hlahloba hape ditokelo tse ka fumanwang hape tse tlang pele tsa bolaodi ba selehae.
Ho ya ka meedi ya Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba e Ekeditsweng (LMSE) ho kopanngwa ha mananeo ohle a bodulo a tla etsa hore ho be le mesebetsi e mengata ho fokotsa ho hlokahala ha mesebetsi.
Hona ho emetse ho thusa ho radilweng ho fokotsa boemo ba ho hlokeha ha mesebetsi naheng.
Lenaneo le tla kgona ho thusa batho ka tsebo ya mosebetsi.
Lenaneo la ntshetsopele ya bokgoni e tsamaelanang le LMSE.
Mekgwa ya ho thusa.
Taolo ya morero e matla.
Seo Mmuso wa lapeng o ka se etsang.
Hara mabaka a palo e hodimo ya batho ba batlang bodulo, bosenyi le taolo e seng ntle.
Lefapha le na le yuniti e thibelang bosenyi ka ho fuputsa dinyewe. Nomoro ya founu e sa lefellweng, 0800n204401 e baka hore ho fihlellwe yuniti ya thibelo ya bosenyi e be bobebe.
Tsebiso ka bodulo ke taba ya bohlokwa mabapi le katleho ya moralo ona kaofela.
Ho tla hlokomediswa ba kentseng letsoho jwalo ka baromuwa ba ditsha, baahi le bajalefa ho etsa hore ho be le hoe tsa qeto ho lokileng.
Matsholo, dipapatso, kgatiso ya diphamfolete, maqhepe a manyenyane le diofisi tsa tsebiso ya pele e tla ba kaorolo ya lenaneo lena.
Ho etsa hore ho be le dibaka tsa ho kopanela tsa dikopano tsa baahi le merero.
Fokotsa palo ya dikhampani tsa maiketsetso tse qhekanyetsang ba hlokang tsebo ba ka rekiswang ba sa tsebe.
Jwalo ka karolo ya moralo re tla hloka Diporovense ho thusa ka ditsha tsa tsebiso tsa dikoloi. Ditsha tsa Tsebiso di tla tlisa tsebiso ka matlo bathong moo ba phelang teng le moo ho hlokehang teng.
Thuto ya Bareki e tla rerwa le dibanka.
tsebiso ya kakaretso e tsamaelanang le ya nang le bonto; le ditokelo le ditshwanelo tsa ho ba moreki wa ntlo.
Lekola o be o hlalosise hape seo diinstitushene tsa ho fumana matlo tsohle di lokelang ho se etsa.
Palo ya diintsitushene tse robedi di behela Letona ka ho thusa ho thuseng ka ho fumantsha matlo, mme e tla ba tsa bohlokwa haholo ho phethahatseng moralo. Seo diistitushene tsena tsohle di lokelang ho se etsa se tla lekolawa hape ho hlokomela hore ho be le tshebeletso e hodimodimo e tsamaelanang le moralo ona o motjha, mme nakong ena ditaelo tse teng ha jwale di sa sebediswa.
Ditharollo tsa Phumantsho ya Matlo tsa Servcon di ile tsa thehwa ho thusa dithepa tsa phothefolio tse behetsweng ka thoko, moo baahi ba hlolehileng ho lefa dikadimo tsa bona tsa matlo teng tsa dibanka. Bo bong ba boikgethelo ba beng ba matlo ke ho iswa matlong a manyenyane moo ba ka kgonang ho lefa ka kgwedi teng, mme matlo ana a hahelwa Servcon ke Thubelisha Homes.
Motheo wa Phumantsho ya Matlo wa Phedisano (MPMP) o theilwe ho ntshetsa pele ka bobatsi le hore ho be le bokgoni mabapi le diintsitushene tsa phumantsho ya matlo tsa phedisano, tse laolang palo ya phumantsho ya matlo ya phedisano, ha Terasete ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba (TPMS) e ile ya thehwa hore ho be le bokgoni maemong ohle a mmuso, Mekgatlo eo E Seng ya Mmuso (MESM), Mekgatlo e Thehilweng Setjhabeng (MTS) le baahi ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba moo e leng hore batho ba kene ka setotswana ho haheng matlo a bona.
Terasete ya Tshebedisano ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba e ile ya thehwa ka Phupjane ka selemo sa 1997. Thomo e batsi ya TTPMS ke ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba ka ho etsa hore ho be le bokgoni ba ho haha le ho sebetdisana le mebuso ya naha, porovense ya lehae le setjhaba ka ho kenya letsoho le ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba.
Ofisi ya Thuso ya Phumantsho ya Matlo le Kahobotjha ya Metse ya Ditoropo ya Setjhaba e ile ya thehwa ho thusa bahahi ba hahang matlo a theko e tlase ka ditjhelete, haholoholo ho ba bathusi mahareng a diinstitushene tsa ditjhelete le bahahi.
Koporasi ya Ditjhelete ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba e ile ya thehwa ho fuputsa ditsela tse ntjha le tse molemo tsa ho bokella tjhelete mabapi le phumatsho ya matlo, ho tswa mehloding e ka ntle ho puso, ho sebedisanwa le mekgatlo e mengata ka bophara. Ditjhelete di iswa baemeding ba ditjhelete ba thusang batho ba batlang ho haha matlo a bona, kapa ba batlang ho eketsa le ho ntlafatsa matlo a bona a seng a le teng.
Letlole ala Kadimo la Phumantsho ya Matlo la Mahaeng le thusa jwalo ka KDPMS, empa haholoholo ho malapa a amohelang tjhelete e nyenyane mahaeng ho ba thusa ho fumana dikadimo ka mokgwa o tswelang pele ho haha kapa ho ntlafatsa matlo a bona.
Thubelisha Homes (Khampani ya Karolo ya 21) e ile ya thehwa ka Phujane ka selemo sa 1998 e le sesebediswa sa sepheo se ikgethileng sa ditjelete ho bopa palo ya matlo e lekaneng. Mokgwa ona ke tsamaiso eo ka yona nang le thepa ya kadimo ya banka ka phoso ba thuswe ho ya dula matlong ao ba ka kgonang ho a lefella.
Lekgotla la Ngodiso ya Mohahi wa Matlo la Setjhaba thomo ya lona ke ho sireletsa bareki ba ka kgonang ho reka matlo ho bahahi ba ka ba qhekanyetsang ka Molao wa Mekgwa ya ho Sireletsa Moreki wa Phumantsho ya Matlo wa 1998. O leka ka matla ho laola le ho thusa haholo bareki ka ngodiso ya bahahi ba matlo le ngodiso ya matlo.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOTANSO LE KHOREO (1).txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_MOTANSO LE KHOREOKERA.txt</fn>
O ka rata hore NAC e ikopanye jwang le wena?
Re fe kakaretso ya projeke ka mantswe a seng ka hodimo ho a 500.
Fana ka lenane la diphihlelo tse kgolo tsa bonono tseo o bileng le tsona dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae bao o ba kentseng projekeng ya hao Re kopa hore o re fe dipalopalo tse tla sebediswa bakeng sa merero ya dipatlisiso ya NAC?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo etsang kopo bakeng sa yona.
Supa matstasi a ho qala projeke le ho fela ha yona.
Na baahi ba tla una jwang molemo ho tswa projekeng ya hao?
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong Bolela bohle ba thusang ka ditjhelete o be o tlatse dintlha tse ka tlase mona?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale wa bonono ba tshwanelhileng bakeng sa lekala la hao. O kotjwa hore o romele direferense tse ngotsweng mme tsa saenwa ho tswa batho bana ba ka tlase bao re tla bua le bona ka wenabuang le bona ka wena.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona mona kopong ena mmoho le ditokomane tse kentsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Mabapi le Lenaneo la.txt</fn>
Lefapha le etse hloko hore mathata a mangata a fapaneng, e seng a tswang mosebetsing wa motho feela, empa le mererong ya kahisano, a ka ba le sephetho ho mokgwa oo motho a phethang mosebetsi wa hae ka teng, mme haebe ha ho na letho le etsuwang ka hoo ho sa qala, mathata ao a ka ba mabe le ho feta.
Lefapha le dumela hore ho molemong wa mosebetsi, ba lelapa la hae le Lefapha la Phumantsho ya Matlo ho thea Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi le tla fana ka ditshebeletso tseo sepheo sa tsona e leng ho laola mathata a kahisano a amang mokgwa oo motho a phethang mosebetsi wa hae ka teng. Mathata ana a kenyelletsa lelapa, semoya, kgatello moyeng ha o le mosebetsing, bothata ba ditjhelete, bothata ba molao, ho hlonama, dikamano, ho sithabela, jwala/dithethefatsi, dintwa tsa mosebetsing kapa dintwa tsa malapeng, jj.
Batlang ho thibela mathata hore a se ba hlahele.
Ke ka baka lang ho lokelang ho ba le Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP)?
Bakeng sa ho fana ka ditshebeletso tsa thibelo kapa tsa ho ikamahanya.
Na ke bafe baamohedi ba Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP)?
Mosebetsi ka Mong: Basebetsi ba Lefapha mmoho le ditho tsa malapa a bona. Lenaneo la EWP le thusa basebetsi ho boloka tekano pakeng tsa mosebetsi wa bona, lelapa le phedisanong, mme le na le kabelo ntlafatsong ya tlhahiso ya basebetsi e be le ba thusa ho boloka mesebetsi ya bona.
Mekgatlo ya basebetsi: Tshebedisano e matlafaditsweng ya ho rarolla mathata a basebetsi pakeng tsa Lefapha la Phumantsho ya Matlo le Mekgatlo ya Basebetsi, mohlala, maiteko a kopanetsweng a tsosoloso ya mosebetsi mme hona ho itshetlehile nyeweng ya kgalemo.
Lefapha: Ho thusa lefapha ho boloka basebetsi ba nang le bokgoni hape bao e leng ba bohlokwa ho lona. Basebetsi ba phetseng hantle hape ba thabileng ba bolela ho se be teng ha bao ba sa tleng mosebetsing, moya o ntjhafetseng wa tshebedisano le ho tshepahala ho lefapha, kuno e tlase ya ho lefa basebetsi le ho sebetsa nako e telele bophelong ba motho, ekasitana le seriti se ntlafetseng sa mokgatlo.
Lenaneo la EWP le fana ka ditherisano ka maano le mekgwatshebetso ya mosebetsing e leng yona ya bohlokwa bakeng sa ho rarolla ditaba tsa mokgatlo tse nang le sephetho boitekanelong le ntshetsopeleng ya basebetsi, mohlala, maano a mabapi le dintwa tsa mosebetsing, bokgoni ba dintho tsa bophelo, jj.
Lenaneo la EWP le tla rerisana ka bonngwe le Disuphavaesa, Batsamaisi le Baemedi ba Basebetsi mabapi le tsamaiso le ho romelwa lenaneong ha basebetsi mabapi le tshebetso le mathata a mang a boitshwaro.
Lenaneo la EWP le tla etsa bonnete ba hore ho ba le disebediswa tsa promoushene mme hape di a sebediswa ekasitana le diketsahalo tsa thuto tse kgothaletsang tshebediso ya lenaneo ke basebetsi maemong ohle le ba ditho tsa malapa a bona, mohlala, batsamaisi, disuphavaesa, baemedi ba basebetsi le moifo ka kakaretso.
Ho ntlafatsa mosebetsi wa EWP ka hara lefapha.
Seabo le boikarabelo ba botsamaisi bo phahameng ke ho ananela le ho tshehetsa lenaneo ka mokgwa o bonahalang. Mosebetsi ona o mahetleng a botsamaisi bo phahameng ho bona hore lenaneo lena le kengwa tshebetsong.
Mosebetsi ka mong ka tlwaelo o boemong bo botle ba ho hlwaya hore na yena o na le mathata a bang le sephetho se sa lokang mosebetsing wa hae na. Ke ka hoo basebetsi ba nang le tokelo le boikarabelo ba ho batla thuso ho EWP e be ba sebedisana le yona ha ba ka fuwa thuso eo.
Boikarabelo bo ka sehloohong ba disuphavaesa lenaneong ke ho hlwaya le ho romela basebetsi ba hlokang thuso lenaneong la EWP.
Ho fadimeha ka ho tswela pele ba lebetse diphetoho tsa mokgwa wa boitshwaro ba basebetsi ba leng tlasa bolebedi ba hae.
Ho tsebisa basebetsi hore dintlha tsohle tsa lenaneo lena ke sephiri.
Ho ngola fatshe boitshwaro bohle bo sa amohelehang, ho ba teng mosebetsing le ho phetha mosebetsi ka tsela e sa fihleleng maemo a amohelehileng a beuweng.
Ho bopa moya o tshwanetseng bakeng sa ho tsekisano mme tsekisano e be le dintlha tse utlwahalang, ho ena le akaretsa menyenyetsi.
Ho lebela mokgwa oo basebetsi ba sebetsang ka teng mme a kene dipakeng ha tshebetso e ntse e tswela pele ho theoha, athe hona a ho etse ka ho romela basebetsi bao lenaneong la EWP.
Ho phethahatsa seabo sa tshehetsang mosebetsing a ntse a tswela pele ka ho lokisa/eletsa. Ka nako eo a ntseng a lokisa le ka mora moo, suphavaesa o lokela ho thusa kgutlisetsa mosebetsi eo boemong bo tshwanetseng ba tshebetso.
Ho sheba dintlha tse nang le tshepo mmoho le matla, mme a be le kutlwelo ditlhokong tsa mosebetsi.
A fane ka pehelo ho Mohokahanyi wa EWP mabapi le ho phethwa ha mosebetsi ka nako ya tokiso/keletso.
Leka ho hlahlobisisa mathata a motho, o ahlola kapa ho tshwaya diphoso ka mokgwa o sa thuseng.
Bua ka mathata a basebetsi ba bang le basebetsi mmoho ba bang.
Ho tlohela ho theoha ha boemo ba tshebetso a sa etse letho ka bona.
Bua ka hore na mosebetsi o na le mathata a tobaneng le yena ka seqo kapa the kapa a leke ho mo eletsa.
Kgeloswa ke maano a amanang le kutlwelo.
Ameha ketsahalo tsa ho kwala ho etsahetseng mabapi le bothata ba mosebetsi.
Ho ntsha mosebetsi ya neng a sa kgotsofala pejana ntle le ho mo thusa ka lenaneo la EWP.
Ha a dula a se mosebetsing, a nka llifi e sa rerwang, a sa tle mosebetsing tlasa mabaka a sa hlokeheng, a dieha ho fihla mosebetsing, mme a tsamaya pele ho nako mosebetsing.
Ho nka llifi ya ho kula kgafetsa mme ho se na lengolo la bopaki ba hoo ho tswa ngakeng.
Tlhahiso e theohileng, bohlaswa, ho lebala haholo, ho ferekana kelello, tsepamiso ya monahano e fokolang le mosebetsi wa boleng bo tlase.
Phetoho ya boitshwaro, ka moo a arabelang ka teng dinthong, ho tshwenyeha ha hae, ho se tshepehe, a nka nako e ngata haholo a le thelefounung, ho di e-mail, jwalojwalo.
Ha ho na le ho fetoha tjhebahalo kapa bohlweki ba hae.
A sa kopane le basebetsi ba bang mme ka mehla o mong.
Phehella tabeng ya thibelo le ya ho hlwaya le ho kena dipakeng nako e sa le teng mathateng ao mosebetsi a nang le ona.
Rerisana, kgodisa mme o kgothatse basebetsi ba nang le mathata hore ba batle thuso ha ho ka etseha hore mathata ao a bona a tsejwe ke Mokgatlo wa basebetsi.
E ba le seabo mme o thuse mananeong a thuto ao sepheo sa ona e leng ho shebana le mathata a basebetsi.
Mosebetsi ka mong ka tlwaelo o boemong bo botle ba ho hlwaya hore na yena o na le mathata a bang le sephetho se sa lokang mosebetsing wa hae na. Ke ka hoo basebetsi ba nang le tokelo le boikarabelo ba ho batla thuso ho EWP e be ba sebedisana le yona ha ba ka fuwa thuso eo.
Mathata a hao jwalo ka motho ha a sale ka ntle ha o kena mosebetsing o qala ho sebetsa, ona a kena le wena. Jwalo ka metjhini feela, batho le bona ba tshwanelwa ho lokiswa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le phumantsho e ntlafetseng ya ditshebeletso le moifo o sebetsang hantle haholo hape o thabileng.?
<fn>sot_Article_National Language Services_Maikemisetso a Letlol.txt</fn>
Maikemisetso a Letlole la Puseletso ke ho buseletsa basebetsi bakeng sa boqhwala bo bakilweng ke dikotsi tsa mosebetsing tse hlahileng kapa mafu ao ba a fumaneng nakong ya eo e leng basebetsi kapa baotlwa ba bona bakeng sa lefu le bakilweng ke kotsi/ho kula hoo, le ho lefa tjhelete e utlwahalang ya ditshenyehelo tsa bongaka tse entsweng.
Dikotsi tse hlahisitsweng kapa tse hlahileng nakong ya ho sebetsa ha mosebetsi mme tsa baka ho tswa kotsi ha hae, ho kula kapa ho shwa.
Mosebetsi ke mang?
Mosebetsi o hlaloswa Molaong e le?
Tumellano ya tshebetso e ka ngolwa fatshe kapa ya ba ya molomo, e boletsweng kapa e lekantsweng. Mosebetsi o lokela ho fana ka tshebetso jwalo ka ha ho dumellanwe mme o lokela ho fumana moputso?
Basebetsi ba malapeng, matlong a praevete ha ba eso kenyelletswe, empa Letlole le tseleng ya ho ba kenyelletsa.
Ramosebetsi ke mang?
Tlhaloso: Motho ofe kapa ofe, ho kenyelletswa le Mmuso, ya hirileng mosebetsi.?
Dikotsi tsohle kapa dikotsi tse bolelwang tse akgang ditshenyehelo tsa bongaka le/kapa bosiyo mosebetsing nako e fetang matsatsi a mararo di lokela ho tlalehwa pele ho feta matsatsi a supileng ka mokgwa o balletsweng. Ramosebetsi ofe kapa ofe ya sa tlaleheng kotsi kapa kotsi e bolelwang o tla ba molato wa ho tlola molao. Khomishenara a ka ba a fa ramosebetsi kotlo e ka lekanang le tjhelete e felletseng e tsekwang.
Ramosebetsi o lokela ho tlaleha kotsi ka ho tlatsa foromo ya Ramosebetsi ya ho tlaleha kotsi W. Cl.
Ha ho amohetswe Tlaleho ya Ramosebetsi ya Kotsi (W. Cl. 2) le Tlaleho ya pele ya bongaka (W. Cl. 4) tseko e a shejwa mme ebang boikarabelo bo amohelwa poskarete (W. Cl.56) e tla romelwa ho ramosebetsi. Nomoro ya tseko eo ho fanweng ka yona e tla hlaha kareteng eo.
Ebang boemong boo boikarabelo bo sa amohelwe, karete ya kamohelo (W. Cl.55) e tla romellwa ramosebetsi, e fana ka nomoro ya tseko.
Tlaleho ya Qetelo ya Bongaka W. Cl.
Moo ho nang le bosiyo ba nako e telele mosebetsing, Tlaleho ya Bongaka ya Tswelopele W. Cl.
Ha mosebetsi a boela mosebetsing Tlaleho ya ho Qala mosebetsi hape (W. Cl6) e lokela ho tlatswa mme e romelwe ho Khomishenara hammoho le Tlaleho ya Qetelo ya Bongaka (W. Cl.
Ditokomane tse tlatsitsweng di lokela ho romelwa setsing se haufi sa mosebetsi kapa kantorong ya provense ya Lefapha la Mesebetsi.
Tlaleho ya pele ya Bongaka?
Ramosebetsi o lokela ho romela Tlaleho ya Qetelo W CL. 26 ho phethela tseko?
Foromo ya Tseko ya Puseletso W. Cl.
Polelo ya mootlwa ya setseng wa mosebetsi ya shweleng W. Cl.
Akhaonte e ikgethang ya lepato, mme ebang e lefilwe, le diresiti.
Ditshwanelo tsa basebetsi di lokiswa botjha selemo le selemo.
Puseletso e leshwa mosebetsi ya tswileng kotsi nakong ya boqhwala bo phethahetseng ba nakwana ka tsela ya ditefo tsa dikgao tsa nako ka sekgahla sa 75% ya moputso wa hae wa kgwedi ho fihla bongateng bo fetolwang selemo le selemo.
Ho sebetsa nako ya ho ba siyo mosebetsing letsatsi la pele la ho ba siyo ke letsatsi leo mosebetsi a emisang mosebetsi ka baka la kotsi kapa lefu la mosebetsing, a sa phethela shift ya hae e felletseng.
Ho ba siyo mosebetsing matsatsi a supileng a khalenndara (k.h.r. ho kenyelletswa le Disontaha le Matsatsi a phomolo a setjhaba) ho nkwa e le beke e le nngwe. Ka hoo ho ba siyo matsatsi a mahlano ho tla nkuwa e le 5/7 ya beke.
Puseletso ya boqhwala ba bophelo bohle moo kgato ya boqhwala e leng 30% kapa ka tlase e nka sebopeho sa kgoboka e thehilweg hodima moputso wa mosebetsi wa kgwedi makgetlo a mahlano ho fihla bongateng ho behwang selemo le selemo. Moo boqhwala bo leng ka tlase ho 30% kgoboka e sebetswa ka kabo. Molao o bile o fana ka bonyane ba tjhelete ya puseletso ha moputso wa mosebetsi o le ka tlase ho moedi o eketswang selemo le selemo.
Ha eba kgato ya boqhwala ba bophelo bohle e le 31% kapa ho feta, puseletso e nka sebopeho sa phenshene ya kgwedi le kgwedi.
Phenshene ya boqhwala bo phethahetseng ba nako tsohle (100%) e sebetswa ka tsela e tshwanang le ya ditefo tsa dikarolo tsa nako mabapi le boqhwala bo phethahetseng ba nakwana. Ha boqhwala ba mosebetsi bo le ka tlase ho 100%, phenshene e balwa ka ditekanyo tsa boholo ba bona.
Mohlolohadi o lokela ho leshwa kgoboka ya tjhelete e lekanang le pheshene ya kgwedi le kgwedi habedi eo mosebetsi a ka beng a tla e fumana ha a ne a qhwadile !00%.
phenshene e lekanang le 40% ya phenshene eo mosebetsi a neng a tla e fumana ha a ne a qhwadile 100%.
Ngwana ka mong ya ka tlasa dilemo tse 18 o lokelwa ke phenshene ya kgwedi le kgwedi e lekanang le 20% ya phenshene neng e tla kgona ho leshwa mosebetsi bakeng sa boqhwala ba 100%, ha eba phenshene yohle e lokelang ho leshwa mohlolohadi le bana e sa fete tjhelete e neng e tla leshwa mosebetsi ha a ne a qhwadile 100%. Ha a nyalwa/nyala hape mohlolohadi phenshene ya kgwedi e tla tswella ho fihle mohla a shwang.
Ha eba ngwana a qhwadile mmeleng kapa kelellong phenshene ya hae e tswela pele ka mora hore a fihle dilemong tse 18, kapa ka nako eo ho ka lebellwang hore mosebetsi o ne a tla mo hlokomela.
Phenshene ya ngwana e ka tswela pele ho fihlela e eba dilemo di 18 ha eba ho na le bopaki bo ngotsweng ba hore ngwana o tshwarane le dithuto tsa sekondari kapa tsa ka mora materiki.
Ditshenyehelo tsa lepato ho fihla bongateng bo fetolwang selemo le selemo di leshwwa ke Letlole la Puseletso.
Ditshehelo tsohle tse utlwahalang tsa bongaka tse entsweng ke mosebetsi kapa lebitsong la hae di ka batlwa Letloleng la Puseletso.
Diakhaonte tsohle tsa bongaka mabapi le Boramosebetsi ba behetsweng ka thoko (Exempted Employers) di lokela ho romelwa ho ramosebetsi ya tla ikarabela tefong ya tsona.
Ditshenyehelo tse utlwahalang bakeng sa ho tsamaisa mosebetsi ya tswileng kotsi ho ya sepetlele, ngakeng kapa bodulong ba hae, di tla busetswa ho tswa Letloleng la Puseletso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Memo ya ho ba le Seab.txt</fn>
Freedom Park ke projeke ya lefa e hlahileng ka mora dikopo ho tswa mehloding e fapaneng hore ho hlahiswe seemahale ka mora ho fumana tokoloho le tshebetso e bileng ya kgotso ho re lebisa demokerasing. Mohlodi o mong wa bohlokwa o susumeditseng hore ho thehwe Freedom Park e bile Raporoto ya Khomishene ya Nnete le Poelano e ileng ya kgothaletsa hore ho hahuwe seemahale sa sehopotso sa dihlabelo tse entsweng ke ma-Afrika Borwa hore a tle a fihlele tokoloho eo kajeno e thabelwang ke bohle.
Mona re kopa setjhaba ho ba le seabo ntshetsopeleng ya Sikhumbuto, e leng Lebota la sehopotso le ntho e nngwe ya bohlokwa haholo ya Freedom Park. Sikhumbuto ke moo mabitso a bahale, bao dilemong tse ngata tse fetileng, ba ileng ba wa boitsekong ba ho nkuwa jwalo ka batho le ho fumana tokoloho, a tla ngolwa mme ho ketekwa sehopotso sa bona. Mabitso a tla ngolwa ka ho ya ka Dikgohlano tse Robedi tsa Afrika Borwa ka ho emela dintlhakgolo tsa bohlokwa nalaneng ya naha ya habo rona.
Freedom Park e ela hloko bohlokwa ba ho ba le seabo ha setjhaba ntshetsopeleng ya naha mme hona ho wela tlasa mosebetsi wa ho etsa hore lentswe la Afrika le utlwahale. Ka hoo re mema setjhaba hore se romele mabitso le dintlha tse kgutshwanyane ka tsa bophelo ba batho ba ileng ba wa dikgohlanong tse boletsweng mona ka hodimo hore di elwe hloko.
Freedom Park Trust e ka thabela ho fumana tokomane efe kapa efe (setifikeiti sa tswalo le sa ho hlokahala, khopi ya Buka ya Boitsebiso, tokomane ya mokgatlo).
<fn>sot_Article_National Language Services_Molaetsa ona ha se me.txt</fn>
Molaetsa ona ha se memo ya ho reka kapa ho ingodisetsa diabo. Bukana ya tlhakisetso e nang le dintlha tsohle mabapi le memo e tla ngodiswa le ho phatlalatswa hang ha memo e se e entswe.
<fn>sot_Article_National Language Services_Molao wa Kgothaletso.txt</fn>
Malebana le Lefapha la Naha la Matlo ke Molaodi-Kakaretso.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya Lefapha la Naha la Matlo e ka nehela matla kapa mosebetsi o matleng kapa o rwesitsweng Ofisiri eo ya Tlhahisoleseding ka Molao ona ho motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa lefapha.
E ka hulwa ka nako efe kapa efe kapa ya fetolwa ka ho ngolwa ke motho eo.
Molaodi-Kakaretso wa Matlo o lokela ho thonya palo e itseng ya batho ho ya ka tlhokahalo ho ba Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding ho etsa hore Lefapha la Naha la Matlo le fihlellehe ho ya ka moo ho kgonehang ho bakgatiso ba direkoto tsa lona.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya Lefapha la Naha la Matlo e na le matla a tataiso le taolo ya motlatsi wa ofisiri ya tlhahisoleseding efe kapa efe ya lefapha.
Tlhahisoleseding ka bowena?
Lebitso la motho moo le hlahang le tlhahisoleseding ka boyena mabapi le motho, kapa moo pepeso ya lebitso ka bolona le ka hlahisang tlhahisoleseding ka motho, empa le siella tlhahisoleseding ka motho ya hlokahetseng nakong e fetang dilemo tse 20.
Makala feela a naha a sebedisang matla a ona a puso kapa a phethang mosebetsi wa naha ho ya ka ditaelo tsa molao.
Empa ho ya ka maikemisetso a dikarolo tsa 34 tsa Molao, ho lebisa ho motho ditemaneng (a) le (b) ho lokela ho nkuwa ho lebisa ho motho ya phelang?
Mabapi le Lefapha la Naha la Matlo, Bolaodi bo Tshwanelehileng bo bolela Letona le nang le boikarabelo ba Lefapha la Naha la Matlo kapa motho ya thontsweng ka ho ngola ke Letona leo.
E bolela Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa eo ho lebiswang ho yona karolong ya 181 (b) ya Molao wa Motheo.
Ebang e ne e qapilwe kapa e sa qatjwa ke lekala la puso.
Ha palo efe kapa efe e kgethehileng ya matsatsi e balletswe bakeng sa ho etsa tshebetso efe kapa efe, kapa bakeng sa sepheo sefe kapa sefe se seng, hono ho tla balwa ho sa kenngwa letsatsi la ho qala mme ho kenyeletswa letsatsi la ho qetela, ntle le ha letsatsi la ho qetela le wela ho la Sontaha kapa letsatsi lefe kapa lefe la phomolo ya naha, mme maemong ao nako e tla balwa ho sa kenngwa letsatsi la ho qala mme ebile ho sa kenngwa Sontaha se seng le se seng kapa letsatsi la phomolo ya naha.?
Tlhaloso ya Molao, Molao No 33 wa 1957.
Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding (PAIA), Molao 2 wa 200 (oo ka mora mona o tlang ho bitswa Molao) o kene tshebetsong mohla la 9 Hlakubele 2001, o hlahisa bohlokwa ba phihlello ya tlhahisoleseding bakeng sa naha se amohelehang, sa demokerasi le se bonaletsang. Molao o neha mokgwa wa taolo ho karolo 32 ya Bili ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo mme o tshwanela ho hlaloswa jwalo ka molao o phethahatsang tokelo ya molao wa motheo.
a Tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng ke mmuso; le b Tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng ke motho e mong mme e hlokwang bakeng sa tshebediso ya ditokelo dife kapa dife.
Molao wa Naha o lokela ho etsuwa ho neha phethahatso ya tokelo ena mme o ka nehelana ka dikgato tse amohelehileng tsa ho fokotsa morwalo wa tsamaiso le ditjhelete tsa mmuso.
Shebisisa ka katleho le ho ba le seabo phihlellong ya diqeto ke makala a puso a amang ditokelo tsa bona.
Direkoto tsohle tsa Khabinete le tsa dikomiti tsa yona, mesebetsi ya molao ya lekgotla, baahlodi ba ikgethang, kapa ofisiri ya molao kapa setho se ikemetseng sa Palamente kapa Ketsamolao ya Provense.
HLOKOMELA: Bukana ya Kgakollo ha e nkele Molao sebaka mme e lokela ho balwa ka ho bapa le Molao le Melawana.
Ke boikarabelo ba Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa ho etsa tataiso, ka mokgwa le sebopeho se bobebe se utlwisisehang, ho latela tlhoko ya motho ya lakatsang ho sebedisa tokelo efe kapa efe e bolelwang ke Molao.
Tataiso ena e tla fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong mme e tla fumaneha ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa ho sa feta Phato wa 2003.
Sepheo sa bukana ena ya kgakollo ke ho tsebisa motho mokgwa wa ho fihlella direkoto tse bolokuweng ke Lefapha la Naha la Matlo, ho neha sephetho ho Karolo 14 wa Molao.
HLOKOMELA: Bukana ena ya Kgakollo e emetse feela Lefapha la Naha la Matlo mme ha e kenyeletse tlhahisoleseding le/kapa direkoto tsa Mafapha a Diprovense tse fapaneng.
Naha se matlong a tsitsitseng a bodulo sa batho ba nang le phihlello ho disebediswa tsa ho sebetsa tsa bodulo le moruo (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Ho thea le ho hlophisetsa tshebetso e tswellang e nehelanang ka phihlello e lekanang ya matlo a lekaneng bakeng sa bohle maemong a matlo le ditshebeletso tse fihlellehang le phihlello ho dithuso tsa bodulo le moruo (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Lefapha la Matlo le ikemiseditse ho phethisa maikemisetso a latelang a boleng bo hodimo ka tlhophiso ho tsamaelana le boromuwa: (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Ho ba le pono le maikemisetso a hlophisitsweng a tshwanelanang ka dinako tsohle le ditlamo tsa dipolotiki le tikoloho ya matlo.
Ho tataisa ka ponelopele leano la ntshetsopele le tjhadimobotjha ya matlo ka tlhophollo e nepisang ya tikoloho ya matlo.
Ho ba balaodi ba pele tlhahisoleseding ya matlo le ho dudisa batho hara naha le ho nehelana ka phihlello ho tlhahisoleseding e potlakileng le e bobebe ka dinako tsohle.
Tema e matla ya mmuso wa naha ke ho thea le ho hlophisetsa tshebetso ya ntshetsopele e tswellang ya matlo ka mora ho eletsana le Matona a robong a Matlo, le mokgatlo wa naha o emetseng bomasepala (Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mmuso wa Lehae SALGA)?
Hore ho kgonehe ho hlophisetsa le ho thea tshebetso ya ntshetsopele ya matlo, mmuso wa naha ka ho sebetsa ka Letona la Matlo, o lokela ho phetha mesebetsi e sehlopha ya bohlokwa.
Ho nka mehato e hlokehang ho bopa tikoloho e kgothaletsang hore bohle ba nang le kabelo le batho ba ikemetseng ba fihlelle maikemisetso a bona ka ho fapana mabapi le ntshetsopele ya matlo.
Tshebeletso e matla eo lefapha le nehelanang ka yona ke ho hlomamisa le ho boloka leano le sebopeho sa molao se hlokwang ho lokisetsa tshebetso e tswellang ya ntshetsopele ya matlo. Sepheo sena se fihlelletse tsullung tlhahisong ya Molao wa Matlo, 1997 (Molao No 107 wa 1997), tlhophisetso e tobileng ho sebopeho sa metheo le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo tse laolang le ho tsamaisa thuso ya Mmuso ya matlo le ditshebetso tsa tshehetso. Lefapha le hlophisetsa karolelo ya selemo ya kabelo ya matlo pakeng tsa mebuso ya diprovense tse robong bakeng sa phethahatso le ho nehelana ka tjhelete ho Ditshebetso tsa Matlo tsa Diprovense tse tsamaelanang le Leano la Naha la Matlo.
Ntshetsopele ya matlo e sebetsa tlasa taolo e bopehileng le e radilweng mme e phethahatswe ke mebuso ya provense le ya bomasepala. Matla a ho etsa diqeto mabapi le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo a diatleng tsa ditho tsa Makgotla a Phethahatso a nang le boikarablo ba matlo mebusong ya diprovense tse robong.
Bomasepala ba ka kopa le ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso (MEC) ho nehwa matla a ho laola Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo le, ha ho hlokeha, ho nka matla a ho etsa diqeto mabapi le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo.
NHBRC e na le boikarabelo ba ho sireletsa batho ba ahelwang matlo ka ho nehelana ka tiiso ya tshireletso kgahlanong le dipha matlong a matjha. Ebile e laola indasteri ya ho haha ka ho hlophisetsa ngodiso ya diahi ho NHBRC le ho laola mekgwa le maemo a botekginiki bakeng sa kaho ya matlo ka sepheo sa ho ntlafatsa boleng molemong wa ba ahelwang. Matlo ohle a ahwang a lokela ho ngodiswa ho NHBRC, mme mokgatlo o tla nehelana ka ditshebeletso tse ikgethang ho indasteri le ba ahelwang matlo.
NURCHA e na le boikarabelo bo matla ba ho nehelana ka ditiiso tsa tjhelete ya tlatsetso ho dikontraka, ditiiso ho bakadimi ba tjhelete ho thusa batho ba meputso e tlase ho fihlella kadimo ya tjhelete ya ntlo, le dinehelo tsa matlafatso ho metse ho lokisetsa ntshetsopele ya motse.
Motheo ona ke motheo wa tjhelete ya ntshetsopele oo sepheo sa wona se matla e leng ho nehelana ka melao ya matlo ka mokgwa o tswellang ho batho ba meputso e tlase. Ka sepheo seo NHFC e nehelana ka letlole ho metheo e dipakeng ho kgothaletsa phihlello e batsi ho matlo, ho neha matla a lekaneng le a tswellang hara mekgatlo eo ba e tshehetsang ka letlole, le ho kena selekaneng le mekgwa e metjha ya bopulamadiboho phumantshong ya tjhelete.
Motheo o tsepamisitse tjheleteng ya melato moo o etsang hore tjhelete ya kadimo e fumanehe metheong e tsitsitseng ya matlo, bakadimane bao e seng dibanka le dibanka ho kadima malapa a futsanehileng. Hape e itlama ka tjhelete ya tiiso ka ho nehelana ka tjhelete ya matlafatso ho metheo ya matlo a bodulo le bao e seng dibanka. Sepheo sa ho matlafatsa se phethiswa ka thuso ho metheo e menyane le e metjha hore e kgone ho ba le seabo ka botlalo mmarakeng.
SHF e shebane le tshehetso bakeng sa mmaraka wa motheo wa matlo a bodulo. Hona ho fihlellwa ka ho nehelana ka kwetliso/thupelo, boeletsi le tshehetso ya botekginiki ho metheo ya matlo a bodulo e qalang le e tsitsitseng. E thusa le Letona ntshetsong pele ya leano le tshwanelehileng le tlhophisetso mabapi le dintlha tsa matlo a bodulo. SHF e hlophisetsa le phihlello ho letlole la dimpho bakeng sa diteko tsa matlo a bodulo.
Motheo ona o hlomamisitswe e le boiteko ba kopanelo pakeng tsa dibanka le mmuso ho shebana ka boikgetho le dikadimo tse sa sebetseng hantle le diphahlo tse matsohong a dibanka ka lebaka la melao e sa kgotsofatsweng, le ho se sebetse hantle ha mmaraka wa kadimano ya tjhelete ya matlo Afrika Borwa e bileng teng ho tloha ka 1994. SERVCON e thusa ba nang le tokelo ya ho fumana mme ba le morao ka ditefo malebana le ho hlophisa botjha dikadimo tse teng kapa moo ho ka kgonehng ba fallisetswe ho menyetla ya matlo a mang a fihlellehang. Ka ho hokelana le teko ena, ho ile ha hlomamiswa motheo o mong o arohileng, o bitswang Thubelisha Homes o ahang matlo a tekano e nepahetseng ya matlo.
Leano la naha la matlo le kaho ya tlhophiso le kamohelo di etsahala tshebetsong e bopehileng. Mabapi le hona qeto ya ho eletsana e etswa tlamo ho ya ka pehelo ya Molao wa Matlo, 1997. Letona le na le boikarabelo bo matla ba ntshetsopele ya leano le naha ka matlo le tlhophiso. Hona ho phethwa ka tshebetso ya ho bontshana e hlophiswang ke lequlwana la Matlo: MINMEC.
Lefapha, ka ho siyana ha dinako, le a bontshana ka bophara mabapi le dintlha tsa ditlhophiso mme diteko tse jwalo hangata di ba ka mokgwa wa diphutheho tsa ho bontshana le diboka tsa naha tsa matlo.
Qeto ya motheo e dula e dutse hore motho ka mong hara naha o a fihlella lequlwaneng la ho nka diqeto ka tumello ya dipolotiki ya demokerasi ya Riphaboliki. Le ha ho le jwalo, lefapha le inehetse ho dipuisano tse batsi ho ya ka moo ho kgonehang ka teng mabapi le dintlha tsa leano le tlhophiso ya matlo ya nako e tlang.
Direkoto tse entsweng lethathama mona di fumaneha ka ho iketsahalla ho se tlhokahalo ya ho etsa kopo ya phihlello ho ya ka Molao. Tsena ha di eso kenngwe lesedinyaneng la mmuso jwalo ka ho balletswe ke Molao.
Moralo wa Leano la Naha la Matlo: Diphapang tsa motheo.
Leano la Afrika Borwa la Naha la Matlo: Pheletso?
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Mokgwa wa Tshehetso ya Matlo?
Ditlaleho tsa kotara tsa sefutho sa moruo o moholo ho matlo, maemo a ho boloka tjhelete le nehelano ya ditjhelete tse nyane.
Molao wa Matlo 1997 (No 107 wa 1997).
HLOKOMELA: Dipehelo tsa karolo 5 tsa Molao di hlalosa ka ho hlakileng hore PAIA e sebetsa ho sa kenngwa le efe pehelo ya molao ofe kapa ofe o mong o thibelang kapa o hanelang pepeso mme o kgahlanong ka ho bonahalang le sepheo kapa pehelo e ikgethang ya PAIA.
Phihlello ya direkoto tse entsweng lethathama mona ke tse lokelang ho kotjwa ho ya ka Molao. Direkoto tsena di ka kotjwa ho Batlatsi ba Diofisiri tsa Tlhahisoleseding ba Lefapha la Naha la Matlo ho ya ka mekgwa ya tshebetso ya kopo jwalo ka ha e hlalositswe temaneng e ka tlase.
Senyesemane e tla ba puo e maemong ya dikgokahano malebana le Molao ona.
Mokgatiso o lokela ho latela ditlhoko tsohle tsa mokgwa wa tshebetso jwalo ka ha di balletswe ke Molao (di kgutsufaditswe ka mora mona), ho bolelang hore dikopo tsohle, tse latelang mekgwa ya tshebetso jwalo ka ha e hlophisitswe mona ka tlase, di tla ananelwa mme di sebetswe.
Phihlello rekotong e ka latolwa feela tlasa tatolo a boletsweng Molaong. Sheba temana 6.
Ho kgothaletswa hore mokgatiso a fihlelle qeto ya hore ke mokgatiso ya jwang, hobane hono ho na le diphetho tse latelang.
Motho ofe kapa ofe ya etsang kopo ya ho fihlella ho rekoto ya Lefapha la Naha la Matlo.
Makala ao a puso feela a sebedisang matla a puso kapa a phethang mosebetsi wa puso ho ya ka molao.
Tefiso ya kopo e a lefiswa mme peheletso ya tefiso ya phihlello e a lefiswa.
Kopo ya phihlello e lokela ho etswa ho foromo ya kopo e balletsweng ke Lefapha la Naha la Matlo, ho lefa tefiso ya kopo le ho e romela ho Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding.
Ka ho lata foromo ofising ya dikamohelo ya Lefapha la Naha la Matlo kapa Setsing sa PAIA.
Foromo ya kopo e ka tlatswa ka letsoho kapa ka elektroniki ha e laollotswe setsheng sa internete.
Mokgatiso ya hlokang boitekanelo ba ho bala/ho ngola kapa kgaello e nngwe ya boitekanelo a ka etsa kopo ka molomo. Kopo ya molomo e tla ngolwa foromong e balletsweng mme mokgatiso o tla nehwa kgatiso ya yona.
Foromo e lokela ho saenwa ke mokgatiso.
Mokgatiso o lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso ya tokomane a ekeditsweng ho foromo ya kopo.
Basebetsi ba Setsi sa PAIA le bona o ka ikopanya le bona mme ba tla thusa ho etsa kopo.
Ho fokotsa ditshebetso tsa tsamaiso ho kgothaletswa hore tefo ya tefiso ya Kopo e leng R35,00, ntle le ya Mokgatiso ka Boyena, e hokelwe kapa e kenyeletswe ho kopo. Lefapha la Naha la Matlo le tla amohela tefo ka tjhelete, posoda, ditempe tsa mmuso, lekarete la khrediti le tjheke e sa fetiseheng ditjheke le diposoda di lefe: THE LEFAPHA LA PHUMANTSHO YA MATLO mme nako ya ho tjhentjheha ya matsatsi a 10 a ho lekola e a dumellwa bakeng sa ditjheke. Sheba temana 6.
Ho e romela ka fekese (ha ho se ditefiso tse hlokehang).
Ha a ithaopa ho thusa mokgatiso hore ho etswe kopo foromong e tla tlosa mabaka a tatolo.
Tefiso ya kopo (moo ho hlokehang) ha e a lefshwa.
O na le matsatsi a 30 (moo ho hlokehang) ho etsa qeto. Ho ka eketswa matsatsi a mang a 30 a tlatsetso ho nako ya sethatho a ho etsa qeto.
Ho tsebisa ka ditefiso tse lefuwang (ha di le teng).
Tefiso ya kopo, e leng tefiso e le nngwe e maemong. Tefiso e balletsweng ke R35,00. Tefiso ena e lokela ho lefshwa pele ho ka sebetswa ka kopo mme Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho tsebisa mokgatiso (ka ho ngola) hore eo ke tefiso e lefuwang.
Ditefiso tsa phihlello di kenyeletsa tlhahiso, ho tsoma, tlhophiso le ditshenyehelo tsa poso moo di hlokehang.
HLOKOMELA: Ha nako ya ho tsoma le ho hlophisa e feta dihora tse tsheletseng, peheletso ya karolo ya boraro ya tefiso ya phihlello e tla tlameha ho lefshwa ke mokgatiso, ntle ho mokgatiso ka boyena. Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tla tsebisa mokgatiso ka ho ngola mabapi le peheletso e lefuwang. Ha kopo ya phihlello e latotswe, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tlameha ho kgutlisa / ho lefa hape peheletso ya mokgatiso.
Ditefiso tse balletsweng di kgutsufaditswe ho ya ka Karolo II ya Tsebiso ya Mmuso (R 187) e phatlaladitsweng Lesedinyaneng la Mmuso la 15 Hlakola 2002.
Tefiso e lefswang ke mokgatiso e mong le e mong, ntle ho mokgatiso ka boyena, ya bolelwang ho molawana 7.
Tefiso ya kgatiso ya bukana ya kgakollo jwalo ka ha e bolelwa ke molawana 5(c) ke R0,60 bakeng sa fotokgatiso ka nngwe e leqepheng kapa karolong ya lona la boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Ditefiso tsa ho Tsoma le ho Hlophisa f.
a. Dihora tse tsheletseng jwalo ka ha dihora tse fetwang pele peheletso e lefiswa; le b.
Ditjheke tse sa fetiseheng (nako ya matsatsi a 10 a ho lekola e a dumellwa). Ditjheke di lefshwe ho: THE LEFAPHA LA PHUMANTSHO YA MATLO.
Lefapha la Naha la Matlo le tla ntsha risiti bakeng sa tjhelete, diposoda le ditempe tsa mmuso. Mabapi le ditjheke ho tla ntshuwa kananelo ya nakwana ho fihlela tjheke e tjhenjtheha, mme ka mora moo ho tla ntshuwa risiti.
Mokgatiso a ka kenya Boipiletso ba ka Hare kgahlanong, kapa kopo ho lekgotla la dinyewe, ha a lefa tefiso. Sheba temana 6.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya Khabinete.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya komiti ya Khabinete.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya mesebetsi ya molao ya lekgotla.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya baahlodi ba ikgethang.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya setho se ikemetseng sa Palamente kapa Ketsamolao ya Provense.
Kopo e ka hanwa ha mokgatiso a sa kgotsofatsa ditlhoko tsohle tsa mokgwa wa tshebetso ka mora hore a tsebiswe ka boikemisetso ba ho latola ke Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding.
Molao o nehelana ka mabaka moo phihlello ho rekoto e TLAMEHANG kapa e KA NNANG ya latolwa.
Moo pepeso ya rekoto e leng TLAMO molemong wa naha.
Ka sepheo sa bukana ena ya kgakollo, ke tlasa mabaka ao phihlello ho rekoto E LOKELANG HO HANWA moo ho tlang ho bonahatswa.
Tshireletso e tlamang ya Sephiri ya mokga wa boraro oo e leng motho ya phelang le ho re, ha e le hore pepeso ya yona e tla kenyeletsa pepeso e sa amoheleheng ya tlhahisoleseding ya boyena mabapi le mokga wa boraro ho kenyeletsa le motho ya hlokahetseng Karolo 341.
Tshireletso e tlamang direkoto tse itseng tsa Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Lekgetho SARS ke ho re, Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya SARS e lokela o hana kopo ya rekoto ya SARS ha e fupere tlhahisoleseding e fumanweng kapa e bolokilweng ke SARS ka sepheo sa ho phethisa molao mabapi le pokello ya lekgetho jwalo ka ha ho hlalositswe karolong 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Lekgetho Molao 34 wa 1997 Karolo 351.
Tlhahisoleseding ya ditjhelete, tsa kgwebo, tsa saense kapa botekginiki ntle ho diphiri tsa kgwebo tsa mokga wa boraro, tseo pepeso ya tsona e ka bakang kotsi ditabeng tsa mokga wa boraro tsa kgwebo le ditjhelete.
Tlhahisoleseding eo ho nehelanwang ka yona ka tshepo ke mokga wa boraro mme pepeso e ka beha mokga wa boraro bobeng dipuisanong tsa dikontraka kapa tse ding, kapa e behe mokga wa boraro bobeng tlhodisanong ho tsa kgwebo.
Tshireletso e tlamang ya tlhahisoleseding e itseng ya bofihla ya mokga wa boraro, ke ho re , Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a ka hana kopo ha pepeso ya yona e ka bang tlolo ya mosebetsi wa botshepehi o lokelang mokga wa boraro ho ya ka tumellanoKarolo 371a.
Tshireletso e tlamang ya polokeho ya motho, le polokeho ya thepa , ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho latola kopo ha ka pepeso ya yona ho ka lebellwang ka ho amohelehileng hore ho beha bophelo kapa polokeho ya dintho tsa motho kotsing. Karolo 38a.
Tshireletso e tlamang ya didokete tsa mapolesa ditshebetsong tsa beile, le tshireletso ya phethiso ya molao le ditshebetso tsa molao, ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tlameha ho latola kopo ha phihlello rekotong eo e thibelwa ho ya ka karolo 6014 ya Molao wa Tsamaiso ya Tlolo ya Molao Molao 51 wa 1977 Karolo 391a.
Tshireletso e tlamang ya direkoto tse nang le tokelo ya ho se hlahiswe ditshebetsong tsa molao, ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho hana kopo ha rekoto e na le tokelo ya ho se hlahise ditshebetso tsa motho ntle le ha motho ya nang le tokelo ho tokelo eo a qhelela ka thoko tokelo eo [Karolo 40].
Boipiletso ba ka Hare.
Kopo ho Lekgotla. [Karolo 78 - 82].
Boipiletso ba ka hare ho bolela Boipiletso ba ka Hare ho Bolaodi bo Tshwanelehileng ho ya ka karolo 74 ya Molao. Mabapi le Lefapha la Naha la Matlo, Molaodi ya Tshwanelehileng ke Letona la Matlo, kapa motho ya thontsweng ka mongolo ke Letona la Matlo?
Mekgwa ya tshebetso ya boipiletso ba ka hare e laolwa ke mekgwa eo e teng lekaleng la puso ho hlophisetsa Boipiletso ba ka Hare bo jwalo.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro a ka kenya Boipiletso ba ka Hare ha a sa kgotsofala ke qeto e entsweng ke Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding mabapi le kopo ya phihlello.
Tefiso ya phihlello, ke ho re.
Mokgwa wa phihlello o nehilweng Karolo 25 2c.
O dumella kopo ya phihlello.
HLOKOMELA: Tabeng ena phihlello ho rekoto e ka nehwa feela ha qeto ya ho ananela kopo e tiiseleditswe la ho qetela Karolo 299.
Bakeng sa ho kenya Boipiletso ba ka Hare, mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro o lokela ho e kenya nakong e kgethehileng ka mora ho tsebiswa ka qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding.
Mokga wa boraro: nakong ya matsatsi a 30 ka mora hore mokga wa boraro o tsebisitswe hore phihlello e ananetswe.
HLOKOMELA: ho kenngwa ha Boipiletso ba ka Hare bo siuwang ke nako ho ka dumellwa ho ha ho nehelanwa ka lebaka le letle le amohelehang la hore bo siuwe ke nako. Ha ho latotswe, motho ya kenyang kopo o tla fumana tsebiso ya qetoKarolo 752ab.
Ha jwale ha ho ditefiso tse sebetsang mabapi le Boipiletso ba ka Hare.
Ho kenya Boipiletso ba ka Haare mokgatiso kapa mokga wa boraro o hloka ho tlatsa foromo e balletsweng ya Lefapha la Naha la Matlo, e bitswang Tsebiso ya Boipiletso ba ka Hare.?
Ka ho lata foromo ofising ya kamohelo ya Lefapha la Naha la Matlo kapa Setsing sa PAIA.
Foromo ya Boipiletso ba ka Hare e ka tlatswa ka letsoho kapa ka mokgwa wa elektroniki ha e laollotswe setsheng sa internete.
Foromo e lokela ho saenwa ke moipiletsi.
Maqephe ohle a tlatsetso ya tokomane a ekeditsweng foromong ya Boipiletso ba ka Hare a lokela ho saenwa ke moipiletsi.
Ho e romela ka fekese.
Ho kgothaletswa hore mokgatiso a boloke kgatiso ya Boipiletso ba ka Hare bakeng sa direkoto tsa hae.
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho romela Boipiletso ba ka Hare ho Molaodi ya Tshwanelehileng nakong ya matsatsi a 10 a ho sebetsa.
Molaodi ya Tshwanelehileng o lokela ho tsebisa mokga ya boraro o amehang ka pele ho ya kamoo ho kgonehang, empa jwang kapa jwang nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa o potlakang haholo, ka mora ho amohela Boipiletso ba ka Hare bo kentsweng ke mokgatiso kgahlanong le tatolo ya ho neha phihlello.
Molaodi ya Tshwanelehileng o lokela ho tsebisa mokgatiso ya amehang ka potlako e kgolo, empa jwang kapa jwang nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa o phakisang haholo, ka mora ho fumana Boipiletso ba ka Hare bo kentsweng ke mokga wa boraro kgahlanong le ho ananelwa ha phihlello.
Nakong ya matsatsi a 5 a ho sebetsa ka mora hore mokgatiso a etse tlhahiso e ngotsweng ya Boipiletso ba ka Hare ba mokga wa boraro.
Ha tsebo ka Boipiletso ba ka Hare e fumanwe ka mekgwa e meng ke Molaodi ya Tshwanelehileng, tlhahiso ya molomo kapa e ngotsweng e lokela ho etswa ho Molaodi ya Tshwanelehileng hore keng ha kopo ya phihlello e lokela ho latolwa.
Hore qeto e ntjha e nkele ya pele sebaka.
HLOKOMELA: Ha Molaodi ya Tshwanelehileng a hloleha ho neha tsebiso ya qeto ka boipiletso nakong ya matsatsi a 30 ho hlokeha ho nkuwe jwalo ka ha Boipiletso ba ka Hare bo qhaduwe, mme mokgatiso jwale a ka etsa kopo ho lekgotla.
Lekgotla la Mammila le okametsweng ke mammila ya thontsweng ka ho ngola ke Letona la Toka.
Boto ya Melao ya Makgotla a Molao e lokela ho etsa le ho kenya tshebetsong melao ya mokgwa wa tshebetso ya lekgotla mme melao eo e lokela ho anehelwa ke Palamente pele e phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso.
Ho fihlela melao ya tshebetso e etswa, dikopo di lokela ho etswa Lekgotleng le Phahameng kapa le leng lekgotla la boemo bo tshwanang.
Ditshebetso tsa kopo ho ya ka karolo 78 ya Molao ke ditshebetso tsa bodulo, mme melao ya bopaki e sebetsang ditshebetsong tsa bodulo e a sebetsa Molaong ona.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro a ka etsa kopo ho lekgotla feela ka mora hore a sebedise ditshebetso tsohle tsa Boipiletso ba ka Hare.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa wa kopo, a ka kopa lekgotla le tshwanelehileng ho mo fa tesello/thuso.
Qeto e nkuwang mabapi le phihlello e ananetsweng ka mokgwa o arohileng ho wa kopo.
Qeto e nkuwang mabapi le phihlello e ananetsweng ka mokgwa o arohileng ho wa kopo.
Mabapi le ditshenyehelo.
Ho ya ka karolo 6 ya Molao wa Mosireletsi wa Naha, jwalo ka ha o fetotswe, Mosireletsi wa Naha o na le bokgoni ba ho batlisisa tlasa boiqapelo ba hae kapa ha a fumane pelaelo kapa ho latela kopo mabapi le tshebetso kapa tsamaiso ya PAIA, a ka leka, boikgethelong ba hae, ho rarolla kgohlano ka puisano, poelano kapa tjhebisano, mme a eletse mang kapa mang ya belaelang ka dithuso tse tshwanelehileng kapa ka mekgwa efe kapa efe.
Bukana ya Kgakollo ya Lefapha la Naha la Matlo e tla ntjhafatswa selemo ka seng ka Hlakubele, ntle le ha ho ena le diphetoho tse kgolo.
Ho ya ka Molawana No R.
Qeto e sa ntsane e tla fihlellwa ka dipuo tse ding tse pedi.
Ho ya ka Molawana No R.
Kgatiso ya bukana ya kgakollo ka puo ya Senyesemane e a fumaneha ho Lefapha la Naha la Matlo (Setsing sa PAIA) mme e ka lekolwa ke naha ka dihora tsa mosebetsi. Ha ho tefiso e tla bitswa ho naha bakeng sa ho hlahloba bukana ya kgakollo, empa bakeng sa kgatiso kapa karolo ya yona, tefiso e tla bitswa e hlalositswe temaneng ya ditefiso.
Hang ha Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho e amohetse bukana ya kgakollo ya PAIA ye Lefapha la Naha la Matlo, e tla romelwa bakeng sa kgatiso ho Lesedinyana la Mmuso. Temana ena ka nako eo e tla kenyeletswa ka mehlodi e tshwanelehileng ya Lesedinyana la Mmuso.
Karolo ena ha e sebetse ho Lefapha la Naha la Matlo.
Ha ho tesello e tswang ho pehelo efe kapa efe ya karolo 14, bakeng sa nako e tsitsitseng, e fumanweng ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Ditataiso tse nehelwang ke Mohlala wa seemahale bakeng sa makala a puso bakeng sa bukana ya kgakollo ho ya ka karolo 14 e radilweng ke Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho.
Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, Molao 2 wa 2000.
Lentswe le kgethehileng la teboho le lebiswa ho Moadvokate J.H. Wessels Lefapheng la Toka le Mof Wlodarski ya tswang ho Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho bakeng sa tshehetso ya bona le diphehiso tlhophisong ya Bukana ena ya Kgakollo.
LEFAPHA LA NAHA LA MATLO LEKALA LA MMUSO FOROMO YA KOPO YA HO FIHLELLA DIREKOTO Karolo 181 Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, , 2000 Molao No. 2 wa 2000. Foromo ena e nyalana le foromo e phatlaladitsweng ho Sehlomathiso B. Foromo A ya Melawana No. R 187 Molawana 6 e phatlaladitsweng ho Lesedinyana la Mmuso la 15 Hlakola 2002. Kopo ya ho fihlella ho rekoto ya lekala la mmuso.
No. ya Tshupiso ya Kopo ya PAIA: PR/200 /...
a Wena, mokgatiso, o lokela ho latela ditlhoko tsohle tsa tshebetso. O tla tsebiswa ha o sa di latela.
b Dikarolo tsohle tse amehang di a tlama?
B. Dintlha tsa motho ya kopang ho fihlella ho rekoto a Mona ka tlase ho hloka ho nehelanwe ka dintlha tsa motho ya kopang ho fihlella ho rekoto.
b Ho hloka ho nehelanwe ka aterese/nomoro ya fekese ya mona Riphaboliking moo tlhahisoleseding e tla romelwa teng.
c Bopaki ba matla ao kopo e etswang ka ona, ha ho hlokeha, e tlameha ho hokelwa.
d Tefiso ya Kopo e lefuwang ke mokgatiso ntle le mokgatiso ka boyena, ya bolelwang ho molawana 112, ke R35,00.
e Tefiso ya kopo e lokela ho lefshwa pele kopo e hlophiswa.
Mokgatiso ka Boyena (Ya batlang phihlello ho rekoto e fupereng ditaba ka yena ka boyena) HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Mabitso ka Botlalo:...
Nomoro ya Boitsebiso: HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Aterese ya poso:...
Nomoro ya Fekese: () ... Nomoro ya fonofono (Mosebetsing):(...)...
Nomoro ya fonofono (Hae): () ... Nomoro ya Sele: (...)...
Aterese ya Ngollano ya elek:...
d Bopaki ba matla ao kopo e etswang tlasa ona, mohlala, ka afidavitePehelo eo o ikanetseng yona kapa Matla a Boemedi, bo lokela ho hokelwa.
Motswadi, Molebedi, Mmuelli wa Molao, Ngaka, Ngwana, Mohlolohadi, Monna ya wetsweng ke ntlo, Mohatsa, E nngwe karolo (hlalosa):...
Mabitso ka botlalo:...
Nomoro ya Boitsebiso:...
Thusa o kenyeletse bopaki ba matla ao o etsang kopo tlasa ona.
D. Dintlha tsa rekoto a Nehelana ka dintlha tsohle tsa rekoto eo ho kotjwang phihlello ho yona, ho kenyeletsa le nomoro ya tshupiso ha o e tseba, le/kapa Lefapha/Bolaodi/Motho moo e bolokilweng, ho etsetsa hore rekoto e fumanehe hore e kae.
b Ha sebaka seo ho nehelanweng ka sona se haella, thusa o tswele pele leqepheng le leng mme o hokele foromong ena. Mokgatiso o lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso.
c Toba ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng.
Nomoro ya tshupiso, ha e fumaneha:...
Na tumello e ngotsweng ya mokga ofe kapa ofe wa boraro e se e ile ya fumanwa pele.
a Bontsha mokgwa wa ho lefa, mohlala, tjheke, posoda, jj.
b Kopo ya ho fihlella rekoto, ntle le rekoto ya ho fumana ditaba ka wena ka bowena, e tla sebetswa feela ka mora hore tefiso ya kopo e lefshwe.
c Tshebetso ya kopo e tla qalwa feela ha tefiso ya kopo moo e hlokehang e fumanwe.
d Ha tefo e sa fumanwa, o tla tsebiswa ka tjhelete e hlokang ho lefshwa e le tefiso ya kopo.
e Tefiso e lefelwang phihlello ho rekoto e itshetlehile ho mokgwa oo phihlello e batlwang ka wona le nako e amohelehileng e hlokehang ho tsoma le ho hlophisa rekoto.
f Ha o tshwanelwa ke tesello ya tefo ya tefiso efe kapa efe, thusa o bolele lebaka la tesello.
Lebaka la tesello tefong ya ditefiso:...
F. Mokgwa wa phihlello ho rekoto a Ho tsamaelana le kopo ya hao ya phihlello ka mokgwa o ikgethang ho ka itshetleha ho mokgwa oo rekoto e fumanehang ka wona.
b Phihlello ka mokgwa oo o o kgatisoleng e ka latolwa maemong a itseng. Maemong a jwalo o tla tsebiswa ha phihlello e ka nehelwa ka mokgwa o mong.
c Tefiso e lefuwang ho fihlella rekoto, ha e le teng, e tla itshetleha ntlheng tse ding ho mokgwa oo phihlello e kotjwang ka wona.
e Tefiso ya ho tsoma le ho hlophisa rekoto e kotjwang ke R15,00 bakeng sa hora ka nngwe kapa karolo ya hora, ho sa kenyeletswe hora ya pele.
Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X.
hona ho kenyeletsa difoto, diselaede, dikgatiso tsa vidiyo, meralo ya ditshwantsho tse hlahiswang ka khompyutha, meralo, jj.
HLOKOMELA: Dikgatiso tsa elektroniki di ka nehelwa feela ka mokgwa o fumanehang wa Lefapha la Naha la Matlo.
O lakatsa ho fumana rekoto ka puo efe..?
HLOKOMELA: Ha rekoto e sa fumanehe ka puo e lakatswang, phihlello e ka nehelwa ka puo eo rekoto e leng ho yona.
Ha o sitiswa ke ho hloka boitekanelo ba ho bala, ho bona kapa ho mamela rekoto ka mokgwa wa phihlello o nehelwang ho 1-4 ka hodimo, bolela tlhoko ya hao ya boitekanelo o bolele mokgwa oo o batlang rekoto ka wona.
Tlhoko ya boitekanelo:...
Mokgwa o mong oo rekoto e hlokwang ka wona:...
O tla tsebiswa ka mongolo (poso)ha kopo ya hao e amohetswe kapa e latotswe. Ha o lakatsa ho tsebiswa le ka o mong mokgwa, thusa o hlalose mokgwa mme o etse bonnete ba hore o nehelana ka dintlha tse tla etsa hore takatso ya hao e a latelwa.
E saennwe (Sebaka) tsatsing la ... kgweding ya ... 20...
KEKETSO: Nako ya matsatsi a 30 a ho sebetsana le kopo a ka atoloswa ka matsatsi a ekeditsweng a sa feteng matsatsi a 30. Ka ho saena mona o se o dumela ka boithaopo hore kopo ya hao ya phihlello e ka atiswa ho tloha matsatsing a 30 ho ya ho a 60.
Lefapha la Naha la Matlo Nomoro ya Tshupiso ya PAIA: PR/200 /...
Mohla la: letsatsi, mohlala.
Tefiso ya kopo (ha e le teng): R Nomoro ya Risiti...
Peheletso (ha e le teng): R Nomoro ya Risiti...
Tefiso ya ho tsoma le/kapa tlhophiso: R Nomoro ya Risiti...
Tefiso ya poso: R Nomoro ya Risiti...
TSEBISO YA BOIPILETSO BA KA HARE YA LEFAPHA LA NAHA LA MATLO. Karolo 75 Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, 2000 Molao No. 2 wa 2000. Foromo ena e nyalana le foromo e phatlaladitsweng ho Sehlomathiso B. Foromo A ya Melawana No. R 187 Molawana 8 e phatlaladitsweng ho Lesedinyana la Mmuso la 15 Hlakola 2002.
No. ya Tshupiso ya Boipiletso ba ka Hare ya PAIA: PA/200 /...
Dikarolo tsohle tse amehang di a tlama?
Mokgatiso ka Boyena ya kenyang Boipiletso ba ka Hare HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Mokga wa Boraro (ya sa tsebiswang ke NDoH) ya kenyang Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le kamohelo ya kopo ya phihlello, mohlala, mokgatiso o fumane tumello e ngotsweng ho mokga wa boraro a Dintlha tsa motho ya kenyang Boipiletso ba ka Hare di lokela ho nehelwa mona ka tlase.
b Bopaki ba matla ao boipiletso bo etswang ka ona, ha ho hlokeha, bo tlameha ho hokelwa.
Mabitso ka Botlalo:...
Nomoro ya Boitsebiso: HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Aterese ya poso:...
Nomoro ya Fekese: () ... Nomoro ya fonofono (Mosebetsing):(...)...
Nomoro ya fonofono (Hae): () ... Nomoro ya Sele: (...)...
Aterese ya Ngollano ya elek:...
Motswadi, Molebedi, Mmuelli wa Molao, Ngaka, Ngwana, Mohlolohadi, Monna ya wetsweng ke ntlo, Mohatsa, E nngwe karolo (hlalosa):...
Thusa o kenyeletse bopaki ba matla ao o etsang kopo tlasa ona.
Karolo ena e lokela ho tlatswa FEELA ha o le mokga wa boraro(ho ena le mokgatiso) ya kenyang Boipiletso ba ka Hare.
Mabitso ka Botlalo:...
Nomoro ya Boitsebiso:...
Ha sebaka seo ho nehelanweng ka sona se haella, thusa o tswele pele leqepheng le leng mme o hokele foromong ena. O lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso.
O tla tsebiswa ka mongolo (poso) ka qeto ka Boipiletso ba hao ba ka Hare. Ha o lakatsa ho tsebiswa le ka o mong mokgwa, thusa o hlalose mokgwa mme o etse bonnete ba hore o nehelana ka dintlha tse tla etsa hore takatso ya hao e a latelwa.
E saennwe (Sebaka) tsatsing la ... kgweding ya ... 20...
Lefapha la Naha la Matlo NO. ya Tshupiso ya Boipiletso ba ka Hare ya PAIA: PA/200 /...
Mohla la: letsatsi, mohlala.
Mohla la: letsatsi, mohlala.
Mohla la: letsatsi, mohlala.
Mohla la: letsatsi, mohlala.
<fn>sot_Article_National Language Services_Molao wa Motheo wa Re.txt</fn>
Ka ho ya ka Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996 (Molao wa No. 108 wa 1996), motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana thuso ya tshireletso ya bophelo ha a sa kgone ho iphepa.
Thuso ena ke tjhelete eo ho fanwang ka yona ho tswa ho Mmuso e nehwa batho ba sa kgoneng ho iphumanela. Yona e nehwa batho ba fumanehileng hore ba tle ba kgone ho ithekela dintho tseo ba di hlokang bophelong ekasitana le ho kgona ho tswela pele ho iphedisa. Dithuso tsena ho fanwa ka tsona ka sepheo sa ho tshehetsa maikemisetso a Lefapha a ho fana ka matla bathong ba futsanehileng le ho tlisa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle ba hlokang.
Ha o etsa kopo ya thuso ya thekolohelo, ho lekolwa matlotlo ao mokopi le a mohatsa hae kapa a batho ba amehang ho bona hore na motho eo o a tshwaneleha ho fumana thuso ya mmuso. Hona ho bitswa means test (tekolo ya tseo o nang le tsona). Tshebetso ya ho amohela thuso ha ya lokela ho ba ka hodimo ho matsatsi a mabedi ho tloha letsatsing leo kopo e entsweng ka lona?
Tjhelete ya kgodiso ya ngwana e nehwa batswadi ba hodisang ngwana bakeng sa ngwana ya behilweng tlasa tlhokomelo ya bona ka ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana, 1983 (Molao wa No. 74 wa 1983).
mokopi/ngwana o tshwanetse hore be e le moahi wa Afrika Borwa ka nako eo a etsang kopo.
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mokopi.
Ngwana ya tlilo hodiswa o lokelwa ho dumellana le tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R12 720 ka selemo.
Kopo e ka etswa Diofising tsa Thekolohelo tse haufi le moo mokopi a dulang.
Ha bakopi e se e le batho ba seng ba tsofetse haholo kapa ba kula haholo hore ba ka ya ofising ho ya etsa kopo ya thuso, setho sa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo eo lebitsong la bona.
Foromo ya kopo e tla tlatswa ka pela moofisiri wa Lefapha.
Ha foromo ya kopo e se e tlatsitswe, mokopi o tla nehwa rasiti.
O tshwanela ho boloka rasiti eo hantle yona e sebetsa jwalo ka bopaki ba kopo?
Ha ho na tjhelete e leshwang ha o etsa kopo.
Ha kopo e sa ananelwa ke ba Ofisi ya Thekolohelo, mokopi o lokelwa ho bolellwa ka ho ngollwa hore ke ka baka lang kopo ya hae e hannweng.
Mokopi o na le tokelo ya ho etsa boipiletso ka ho ngolla Letona la Thekolohelo le provenseng ya hae, a hlalose hore ke ka baka lang a sa dumellaneng le qeto e entswe. Boipiletso bona bo lokelwa ho etswa matsatsing a 90 ka mora ho tsebiswa ka sephetho sa kopo.
Ha thuso e se e tjhaetswe monwana, mokopi o tla leshwa ho tloha letsatsing leo kopo e kentsweng ka lona.
Mokopi o lokelwa ho tsebiswa ka ho ngollwa a bolellwa mabaka a ho hanelwa ha thuso, ekasitana le ka tokelo ya hae ya ho etsa boipiletso matsatsing a 90 a tsebisitswe ka hoo.
Ela hloko: Ha mokopi a hloleha ho ya lata tjhelete ya thuso, yena a ka kopa motho e mong ya tla mo latela yona nako le nako, mme yena o bitswa procurator.
Kopo ya hore ho boele ho fanwe hape ka thuso e lokelwa ho romelwa matsatsing a 90 a ho emiswa ha yona.
Mokopi a se teng ka hara Rephaboliki bakeng sa nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng kapa ka hodimo.
Mokopi o lokela ho phatlalatsa kuno efe kapa efe ya hae ka nako eo a etsang kopo. Hona ho tla bopa motheo oo ho ona Lefapha le tla etsa qeto ya hore thuso e lekolwe botjha na. Mokopi o tla tsebiswa dikgweding tse tharo pele ka mohla wa tekolo botjha kapa mohla oo ka ona setifikeiti sa hore o ntse a phela se lokelwang ho romelwa ka ona.
Thuso ya sapoto ya ngwana e leshwa mohlokomedi ya ka sehloohong bakeng sa ngwana ya dilemo tse ka tlase ho tse 11. Mohlokomedi e ka ba motho ofe kapa ofe ya nkang boikarabelo ba bohlokwa bakeng sa ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi tsa ngwana, mme eo e ka nna ba ke wa leloko kapa ha a amane ka letho le ngwana.
Mokopi le mohatsa ba lokela ho fihlela ditlhoko tsa tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R9 600 ka selemo dibakeng tsa ditoropong mme ke R13 200 dibakeng tsa mahaeng.
Ngwana mmoho le mohlokomedi ba lokela ho ba baahi ba naha ya Afrika Borwa mme hape be ba dula Afrika Borwa.
Mokopi o lokela ho ba mohlokomedi ya ka sehloohong wa ngwana ya amehang.
Ngwana o lokela ho dilemo tse ka tlase ho tse 11 boholo.
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mohlokomedi mmoho le setifikeiti sa tswalo se nang le dinomoro tse 13 tsa ngwana.
Mohlokomedi a ke ke a kgona ho etsa kopo bakeng sa bana ba ka hodimo ho ba tsheletseng bao e seng ba hae ka tlhaho.
mokopi e se mohlokomedi ya ka sehloohong; kapa institjhushene e fumana tjhelete ya ho hlokomela ngwana.
Thuso ena e nehwa batswadi, batswadi ba hodisang ngwana, bahlokomedi kapa balebedi ba ngwana ya dilemo tse pakeng tsa 1 le 18, eo ka baka la kgolofalo e mpe haholo kelellong le/kapa mmeleng, a hlokang tlhokomelo ka dinako tsohle.
Mokopi o lokela ho ba moahi wa naha ya Afrika Borwa, ntle le batswadi ba hodisang ngwana.
Mokopi le ngwana ba lokela ho ba badudi ba Afrika Borwa.
Ngwana o tshwanetse be a le dilemo tse pakeng tsa onne le 18 boholo.
Ho tshwanetswe hore ho romelwe raporoto ya bongaka ya tekolo e tiisetsang kgolofalo.
Mokopi, mohatsa le ngwana ba lokela ho fihlela ditlhoko tsa tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R48 000 ka selemo bakeng sa motswadi le R17 760 bakeng sa ngwana.
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mokopi mmoho le setifikeiti sa tswalo se nang le dinomoro tse 13 tsa ngwana.
<fn>sot_Article_National Language Services_Molao wa Tekatekano M.txt</fn>
Ho hlokometswe hore sewa sa HIV/AIDS se tla ama sebaka se seng le se seng sa mosebetsi, ka ho kula ha nako e telele ha basebetsi, bosiyo mosebetsing, le lefu tse amang tlhahiso, ditokelo tsa mosebetsi, polokeho mosebetsing, ditjeho tsa tlhahiso le moya sebakeng sa mosebetsi 1[1].
HIV ha e tsebe meedi ya phedisano, botona le botshehadi kapa mofuta wa setjhaba, empa ho dumelwa hore maemo a phedisano le moruo a tshwaetsa ditsela tsa lefu lena. HIV e atleha haholo tikolong ya bofuma, kgolo e potlakileng ya metsetoropong, tlhekefetso le ho hloka botsitso. Phetiso e atiswa ke ho se lekalekane ha disebediswa le ditsela tsa phallo ho tloha mahaeng ho ya ditoropong. Basadi, ka ho qolleha, ha ba sireletseha haholo tshwaetsong maemong a botjhaba le a moruo moo ba nang le taolo e fokolang ho tse amang maphelo a bona.
Ho feta moo HIV/AIDS e sa ntse e le lefu le potapotilweng ke ho hloka tsebo, ho hloka toka, kgethollo le ho kgeswa. Sebakeng sa mosebetsi kgethollo e hlokang toka ya batho ba phelang ka HIV le AIDS e ntsheditswe pele ka diketso tse kang teko ya HIV pele ho phano ya mosebetsi, ho lelekelwa ho ba le HIV le ho hanelwa ka ditokelo tsa mosebetsi.
[1] Dipehelo tsena di tla tsamaya mmoho le Technical Assistance Guidelines on Managing HIV/AIDS in the workplace. Ho hopolwa hore tsena di tla hlahiswa halofong ya bobedi ya 2000 mme di phatlalatswe ka 2001. Tataiso e tla fana ka dintlha ka botebo mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha maano le mananeo a kgonahalang ho shebana le kameho ena, ho kenyelletswa le mawala a ho fa ditlhoko tsa dikgwebo tse nyenyane le mokga o sa hlophiswang ka tlwaelo.
O mong wa mekgwa e sebetsang ka katleho ho fokotsa le ho laola ka moo HIV/AIDS a amang sebaka sa mosebetsi ka teng ke ka ho kenngwa tshebetsong ha leano le lenaneo la HIV/AIDS. Ho sebetsana le dintlha tsa HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi ho tla kgontsha boramosebetsi, mekgatlo ya basebetsi le mmuso ho phehisa haholo boitekong ba lehae, ba naha le ba matjhaba ba ho thibela le ho laola HIV/AIDS. Ho ya ka tse boletsweng, Dipehelo tsena di entswe e le tataiso ho boramosebetsi, mekgatlo ya basebetsi le basebetsi.
Sepheo sa mantlha sa Dipehelo tsena ke ho fana ka dintlha tsa tataiso ho basebetsi le mekgatlo ya basebetsi hore ba e sebedise e le ho nnetefatsa hore batho ba nang le tshwaetso ya HIV ha ba kgethollwe ka leeme sebakeng sa mosebetsi.
ho sebetsana le ho lelekwa mosebetsing; le v ho laola metjha ya ditletlebo.
Sepheo sa boemo ba bobedi sa Dipehelo tsena ke ho fana ka tataiso ho boramosebetsi, basebetsi le mekgatlo ya basebetsi mabapi le ka moo ba ka laolang HIV/AIDS ka hara sebaka sa mosebetsi. Ka ha sewa sa HIV/AIDS se ama sebaka sa mosebetsi le batho maemong a mangata a fapaneng, se hloka karabelo e akaretsang, e fadimehetseng dintlha tsena kaofela. Ka hoo Dipehelo tsena di kenyelletsa ditheo, tseo ho buuwang ka tsona ka botebo tlasa melao e hlahisitsweng karolwaneng ya 5.1.
ho hlahisa mawala a ho hlahloba le ho fokotsa sekgahla sa sewa sena sebakeng sa mosebetsi; le v ho tshehetsa batho ba tshwaeditsweng le ba anngweng ke HIV/AIDS e le hore ba ka tswela pele ho sebetsa ba ena le tlhahiso ka bolelele ba nako bo ka kgonahalang.
pakeng tsa sebaka sa mosebetsi le baamehi ba bang boemong ba mekga, lehae, provense le naha.
Ho kgothalletsa tekano le ho se kgetholle pakeng tsa batho ba nang le tshwaetso ya HIV le ba e hlokang, le pakeng tsa HIV/AIDS le maemo a mang a bophelo/ho kula a ka bapiswang le yona.
Ho bopa tikoloho e tshehetsang e le hore basebetsi ba tshwaeditsweng HIV le ba hlokang tshwaetso ba kgone ho tswela pele ho sebetsa tlasa maemo a tlwaelehileng tshebetsong ya bona ya nako eo ha feela bophelo bo ntse bo ba dumella ho etsa jwalo.
HIV/AIDS e ama basadi haholo ho feta mme sena se lokela ho hlokomelwa ha ho etswa maano le mananeo a sebaka sa mosebetsi.
Ho buisana, ho kenyelletsa le ho kgothalletsa ho ba le seabo ha baamehi bohle ke ditheo tsa mantlha tse lokelang ho tshehetsa maano le mananeo ohle a HIV/AIDS.
Boramosebetsi bohle le basebetsi bohle, mmoho le mekgatlo ya bona, ba kgothalletswa ho sebedisa Dipehelo tsena ho ntshetsa pele, ho kenya tshebetsong le ho ntlafatsa maano le mananeo a bona a HIV/AIDS hore a lokele ditlhoko tsa dibaka tsa bona tsa mosebetsi.
Bakeng sa dipehelo tsena, lereo sebaka sa mosebetsi le lokela ho tolokwa ha batsinyana ho feta tlhaloso eo ho fanweng ka yona Molaong wa Dikamano tsa Mosebetsing, Molao wa 66 wa 1995, Temana ya 213, ho kenyelletsa tikoloho ya mosebetsi ya, hara tse ding, batho ba se nang kamano ya ramosebetsi-mosebetsi, batho ba sa sebelletseng mmuso le batho ba itshebetsang?
Le ha ho le jwalo, Dipehelo tsena ha di fane ka melao e metjha hodima e Molaong wa Tekatekano Mosebetsing le Molao wa Dikamano tsa Mosebetsing, kapa molaong ofe kapa ofe oo ho buuwang ka ona Dipehelong tsena. Ho sitwa ho ikobela tsona ka bohona, ha ho bolele hore ho na le se ka etswang ka ramosebetsi, ntle le moo Dipehelo tsena di buwang ka boikobo bo hlahisitsweng molaong.
Dipehelo tsena di lokela ho balwa mmoho le dipehelo tse ding tsa tshebetso e ntle tse ka fanwang ke Letona la Mesebetsi.
Molao wa Dipehelo tsa Motheo tsa Mosebesti, Molao wa 75 wa 1997; le vii Molao wa Dikimi tsa Phekolo, Molao wa 131 1998.
viii Molao wa Kgothalletso ya Tekatekano le Thibelo ya Ho lelekwa ho leeme, Molao wa 4 wa 2000.
Dikahare tsa Dipehelo tsena di lokela ho elwa hloko ha ho etswa, ho kenngwa tshebetsong kapa ho lekolwa botjha maano kapa mananeo afe kapa afe a sebaka sa mosebetsi ho ya ka melao e tswa bolelwa.
Dipehelo tsena di ntshitswe ho ya ka Temana ya 54 (a) ya Molao wa Tekatekano mosebetsing, Molao wa 55 wa 1998 mme di thehilwe hodima nnete ya hore ha ho motho ya lokelang ho kgethollwa ka baka la boemo ba hae ba HIV. Ho thusa boramosebetsi le basebetsi ho sebedisa theo ena ka ho tshwana sebakeng sa mosebetsi, Dipehelo tsena di bua le ka dikarolwana tse ding tsa molao.
Temana ya 6 ya Molao wa Tekatekano Mosebetsing e bolela hore ha ho motho ya lokela ho kgetholla ka leeme mosebetsi, kapa moikopedi wa mosebetsi, ka leano kapa tshebetso efe kapa efe ya mosebetsi, ka bala la boemo ba hae ba HIV. Tsekisanong efe kapa efe ya molao eo ho yona ho bolelwang hore ramosebetsi o kgethollotse ka leeme, ramosebetsi o lokela ho bontsha hore kgethollo kapa phapano efe kapa efe e ne e hloka leeme.
Ha ho mosebetsi kapa moikopedi wa mosebetsi ya ka kotjwang ke ramosebetsi wa hae ho etsa teko ya HIV e le ho nnetefatsa boemo ba hae ba HIV. Teko ya HIV e etswang ke ramosebetsi kapa lebitsong la hae e ka etswa feela moo Lekgotla la Mosebetsi le boletseng hore teko e jwalo e loketse ho ya ka Temana ya 7 ya Molao wa Tekatekano mosebetsing.
Ho ya ka Temana ya 187 (f) ya Molao wa Dikamano Mosebetsing, Molao wa 66 wa 1995, mosebetsi ya nang le HIV a ke ke a lelekwa feela hobane a ena le HIV kapa a ena le AIDS. Le ha ho le jwalo moo ho nang le mabaka a utlwahalang mabapi le bokgoni ba hae hae ho tswela pele ka mosebetsi mme ho latetswe ditsela tse hlokang leeme, a ka kgaolwa mosebetsing ho ya ka Temana ya 188 (a)(i).
Ho ya ka Temana ya 8 ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho mosebetsing, Molao wa 85 wa 1993; ramosebetsi o tlamehile ho fana ka sebaka sa mosebetsi se bolokehileng ka hohle ka moo ho ka kgonahalang. Sena se ka kenyelletsa ho nnetefatsa ho theolwa ha kotsi ya ho pepesetswa HIV.
Temana ya 2 le Temana ya 5 ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong di hlalosa hore rabosebetsi o tlamehile ho fana ka sebaka sa mosebetsi se bolokehileng ka hohle ka moo ho ka kgonahalang. Sena se ka kenyelletsa ho nnetefatsa ho theolwa ha kotsi ya ho pepesetswa HIV.
Ho ya ka Molao wa Dipehelo tsa motheo tsa mosebetsi, Molao wa 75 wa 1997, ramosebetsi e mong le e mong o tlamehile ho nnetefatsa hore basebetsi bohle ba fumana maemo a itseng a motheo mosebetsing, ho kenyelletswa le bonyane ba matsatsi a llifi ya ho kula Temana ya 222.
Ho ya ka Temana ya 24 (e) ya Molao wa Dikimi tsa phekolo, Molao wa 131 wa 1998, sekimi sa phekolo se ngodisitsweng ha se a lokela ho kgetholla ka leeme ka ho toba kapa ka ho se tobe ditho tsa lona ka lebaka la maemo a bophelo ba tsona. Ho feta moo ho ya ka Temana ya 67 ho ka etswa melawana e hlalosang hore dikimi tsohle di lokela ho fana ka bonyane ba boemo ba ditokelo ho ditho tsa tsona?
Ho ya ka molao wa tlwaelo le Temana ya 14 ya Molao wa motheo wa Afrika Borwa, Molao wa 108 wa 1996, batho bohle ba nang le HIV ba na le tokelo ya lekunutu la taba tsa bona, ho kenyelletswa le lekunutu le mabapi le boemo ba bona ba HIV kapa AIDS. Ka hona ha ho tlameho ya molao e reng mosebetsi a phatlalatse boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang.
ho fana ka tshehetso ho basebetsi bohle ba tshwaeditsweng kapa ba anngweng ke HIV le AIDS; le v metjha ya ditletlebo le mehato ya kgalemo ho sebetsana le ditletlebo tse amanang le HIV sebakeng sa mosebetsi.
Ha ho ramosebetsi ya tla batla hore mosebetsi wa hae kapa moikopedi wa mosebetsi a etse teko ya HIV e le ho nnetefatsa boemo ba HIV ba mosebetsi wa hae. Jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong wa Tekatekano mosebetsing, boramosebetsi ba ka kopa tumello ya ho etsa diteko Lekgotleng la Mesebetsi.
Hore na Temana ya 7 ya Molao wa Tekatekano mosebetsing e thibela tshebeletso ya Bophelo bo Botle e fanwang ke ramosebetsi ho etsa teko ho mosebetsi ya kopang teko, ho itshetlehile ho hore na Lekgotla la Mesebetsi le tla amohela hore ramosebetsi a ka ritsisa tshireletso temaneng ena a tseba. Tabana ena ha e eso qetwe ke makgotla.
[2] Molao wa Tekatekano Mosebetsing ha o behe ramosebetsi molato wa bosenyi ha a etsa teko e tlolang s 7 . Le ha ho le jwalo mosebetsi ya reng tokelo ya hae ya ho se etswe diteko e hataketswe a ka etsa tseko ho CCMA, ho ba kopanya mme ebang yona e sa rarolle qaka ena, a ka ya Lekgotleng la Mesebetsi ho sebetsa ditaba.
e le se hlokwang bakeng sa ho kgethelwa ho rupelwa ha basebetsi kapa mananeo a ntshetsopele ya basebetsi; le v e le pehelo ya phihlelo ho fumana ditokelo tsa bosebetsi.
Ka tumello e thehilweng tsebong le boeletsi pele le ka mora diteko, jwalo ka ha ho hlalositswe ke Leano la Naha la Lefapha la Bophelo bo Botle mabapi le Ho etswa ha diteko tsa HIV; le iv Ka mehato e matla mabapi le lekunutu la boemo ba mosebetsi ba HIV jwalo ka ha ho hlalositswe ratswaneng sa 7.2 sa Pehelo tsena.
Diteko tsohle, ho kenyelletswa le diteko tse dumelletsweng le tse kgonahalang, di lokela ho etswa ho ya ka Leano la Naha la Lefapha la Bophelo bo Botle mabapi le Ho etswa ha diteko tsa HIV le ntshitsweng ho ya ka Molao wa Naha wa Bophelo bo Botle, Molao wa 116 wa 1990.
Ho etsa qeto o tseba ho bolela hore motho o filwe lesedi, o a le utlwisisa, mme o dumetse ho etsa diteko a ipapisitse le lona. Ho bolela hore motho o utlwisisa seo teko e leng sona, hobaneng ha e hlokahala, melemo ya yona, kotsi ya yona, tsela e nngwe ntle le yona, le seo sena se ka mo fuparelang sona mabapi le phedisano.
Diteko tsa bodisa kapa tsa boleng ba sewa tsa HIV sebakeng sa mosebetsi tse sa supeng lebitso, tse sa amanngweng le motho, di ka etswa ha feela di etswa ho ya ka ditheo tsa boitlhompho le molao mabapi le diphuputso tse jwalo. 3[3] Moo diphuputso tse jwalo di etswang, lesedi le fumanwang ha le a lokela ho sebediswa ho kgetholla ka leeme batho ba itseng kapa dihlopha tsa batho. Teko e ke ke ya nkwa e sa supe lebitso ha eba ho na le kgonahalo e utlwahalang ya hore boemo ba motho ba HIV bo ka tsejwa ka diphetho tsa yona.
Batho bohle ba nang le HIV kapa AIDS ba na le tokelo ya molao ya sephiri. Ka hoo ho mosebetsi ha a tlangwe ke molao ho bolela boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang.
Moo mosebetsi a ithaopang ho bolela boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang, lesedi lena le se ke la bolellwa ba bang ntle le tumello ya mosebetsi e ngotsweng. Moo tumello e ngotsweng e sa kgonahaleng, ho lokela ho nkwa mehato ho tiisa hore mosebetsi o lakatsa ho bolela boemo ba hae.
[3] Sheba hara tse ding Leano la Naha la Diteko tsa HIV la Lefapha la Bophelo le Melawana ya Disebediswa tse Kotsi Tikolohong.
ho nnetefatsa hore batho ba phutholohileng mabapi le boemo ba bona ba HIV kapa AIDS ha ba kgethollwe ka leeme kapa hona ho kgeswa.
Ramosebetsi o tlamile ho fana le ho boloka, ka hohle ka moo ho ka kgonahalang, sebaka sa mosebetsi se hlokang kotsi bophelong bo botle ba basebetsi ba hae.
Kotsi ya phetisetso ya HIV sebakeng sa mosebetsi e a fokola. Le ha ho le jwalo dikotsi tsa mosebetsing tse akgang maro a mmele di ka etsahala, haholoholo diprofesheneng tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle.
ho tlaleha dikotsi tsohle tsa mosebetsing; le vii ho diswa ho lekaneng ha pepeseho ho HIV ho nnetefatsa hore ditlhoko tsa kgonahalo ya ditlhapiso di a a kgotsofatswa.
Mosebetsi a ka hlapiswa ha eba a tshwaeditswe HIV ka baka la kotsi ya mosebetsing, ho ya ka Molao wa Ditlhapiso dikotsing le mafung a mosebetsing.
i ho fana ka lesedi ho ditho tse amehileng mabapi le metjha e tla lokela ho latelwa hore ba be boemong ba ho fumantshwa ditlhapiso; le ii ho thusa ho bokella lesedi le tla thusa ho tiisa hore basebetsi ba ne ba pepesehetse madi a tshwaeditsweng HIV mosebetsing.
Ho pepesehela kotsi mosebetsing ho lokela ho sebetswa ho ya ka Molao wa Ditlhapiso dikotsing le mafung a mosebetsing. Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore ba ikobela dipehelo tsa Molao ona hammoho le metjha le tataiso e fanweng mabapi le ona.
Lesedi le tswang dikiming tsa tse molemong wa basebetsi le mabapi le bophelo ba mosebetsi le lokela ho bolokwa e le lekunutu mme le se ke la sebediswa ho kgetholla ka leeme.
Moo ramosebetsi a fanang ka sekimi sa phekolo e le karolo ya tse molemong wa mosebetsi o lokela ho nnetefatsa hore sekimi sena ha se kgetholle ka leeme, ka ho toba kapa ka ho se tobe, motho ofe kapa ofe ka baka la boemo ba hae ba HIV.
Basebetsi ba nang le HIV ha ba a tshwanela ho lelekwa mosebetsing feela ka baka la boemo ba bona ba HIV/AIDS.
Moo mosebetsi a seng a kula haholo ho ka etsa mosebetsi wa hae wa tlwaelo, ramosebetsi o tlameha ho latela tataiso e amohelehileng e mabapi le ho leleka mosebetsi ka baka la ho se kgone pele a ka kgaola ditshebeletso tsa mosebetsi jwalo ka ha di hlalositswe Dipallong tsa Tshebetso e ntle mabapi le Ho kgaola tse fuperweng ke Shejulu ya 8 ya Molao wa Dikamano mosebetsing.
Ramosebetsi o lokela ho nnetefatsa hore ka moo ho ka kgonahalang, ditokelo tsa mosebetsi tsa lekunutu mabapi le boemo ba hae ba HIV di baballwe nakong efe kapa efe ya ho se kgone ha hae. Mosebetsi a ke ke a qobellwa ho etsa teko ya HIV kapa ho phatlalatsa boemo ba hae ba HIV e le karolo ya tsamaiso e jwalo ntle le ha Lekgotla la Mesebetsi le dumeletse teko e jwalo.
Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore ditokelo tsa basebetsi mabapi le HIV/AIDS, le matla a bona moo ditokelo tseo di tlotsweng, di nyalanywa le metjha e leng teng ya ditletlebo.
Boramosebetsi ba lokela ho etsa phadimehiso le kutlwisiso ya metjha ya ditletlebo le ka moo basebetsi ba ka e sebedisang ka teng.
Boramosebetsi ba lokela ho hlahisa mehato e ikgethang ho nnetefatsa lekunutu la molli nakong ya tsamaiso ya ditaba, ho kenyelletswa le ho nnetefatsa hore ditaba tseo di lokisetswa sebakeng sa lekunutu.
b Ho laola basebetsi ba nang le HIV hore ba kgone ho sebetsa ba ena le tlhahiso ka bolelele ba nako bo ka kgonahalang; le c Mawala a ho sebetsana le ditjeho tse tobileng le tse sa tobang tsa HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi.
Boramosebetsi le mekgatlo ya basebetsi ba lokela ho etsa mawala a lokelang ho utlwisisa, ho hlahloba le ho etsa se lokelang mabapi le sekgahla sa HIV/AIDS sebakeng sa bona sa mosebetsi le sektheng ya bona. Sena se lokela ho etswa ka tshebedisano le boiteko ba mmuso ba disektha, lehae, provense le naha, mekgatlo ya setjhaba le eo e seng ya mmuso.
Ho fokotsa ditjeho ntle le ho fokotsa boleng ha phallelo efe kapa efe ya HIV/AIDS le hona ho lokela ho lekanngwa e le karolo ya tlhahlobo ya sekgahla.
[4] Leano lena e ka ba leano le tobileng la HIV/AIDS kapa le ka kenyelletswa leanong le mabapi le mafu a ka bolayang.
HIV/AIDS ha ba kgethollwe ka leeme maanong le tshebetsong tsa khiro.
dintlha ka botebo mabapi le ho kenngwa tshebeytsong le kgokahanyo ya boikarabelo; le viii tse ka sebediswang ho disa le ho hlahloba.
Maano ohle a lokela ho etswa ka puisano le baamehi ba sehlooho ka hara sebaka sa mosebetsi ho kenyelletswa mekgatlo ya basebetsi, baemedi ba basebetsi, basebetsi ba bophelo bo botle mosebetsing le lefapha la khiro ya basebetsi.
diswa hore le kenngwe tshebetsong ka katleho le ho hlahlojwa hore le nepisise.
Boleng le ho phatlalla ha lenaneo la sebaka sa mosebetsi bo lokela ho laolwa ke ditlhoko le bokgoni ba sebaka sa mosebetsi ka seng.
ho etsa mawala a ho sebetsana le ditjeho tse tobileng le tse sa tobang tse amanang le HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi, jwalo ka ha ho hlalositswe ntlheng ya 14.
ho disa, ho hlahloba le ho lekola botjha lenaneo nako le nako.
Boramosebetsi ba lokela ho etsa ka hohle ka moo ho kgonahalang ho thusa basebetsi ka ho ba romela dibakeng tse lokelang tsa bophelo bo botle, tsa thekolohelo le tsa kelello le phedisano ka hara setjhabana, ha eba ditshebeletso tse jwalo di le siyo ka hara sebaka sa mosebetsi.
Dipehelo tsena mananeong a tlwaetso, thuto le thupelo a basebetsi ba bona.
Mekgatlo ya basebetsi e lokela ho kenyelletsa Dipehelo tsena mananeong a yona a thuto le thupelo ya baetapele ba basebetsi le basebetsi.
Ditsela tse fapaneng tsa lefu, disosa, phatlalatso le ditsela tsa ho le laola ka hara setjhaba.
ho etsa teko e bontshang boemo ba motho ba HIV. Sena se ka kenyelletsa dipotso tse ngotsweng kapa tsa molomo tse batlisisang ka diteko tse fetileng tsa HIV; dipotso tse amanang le ho hlahloba boitshwaro bo kotsi (mohlala, dipotso tse mabapi le tsa thobalano, palo ya balekane thobalanong kapa tshekamelo ya bong); le mokgwa ofe kapa ofe o sa tobang o etseditsweng ho nnetefatsa boemo ba moikopedi wa mosebetsi kapa ba mosebetsi?
ha diteko di bontsha hore o na le tshwaetso ya HIV.
ketsahalotswello ya ho fumana tumello ho mokudi e nnetefatsang hore mokudi o utlwisisa ka botlalo boleng le se bolelwang ka teko pele a dumela hore e etswe.
Ketsahalotswello ya ho eletsa e thusang kutlwisiso ya boleng le sepheo sa diteko tsa HIV. E hlahloba melemo le mathata ao teko e a fuparetseng motho ya jwalo, le tshusumetso eo sephetho se tla ba le yona ho yena, ebang se re o na le tshwaetso kapa se re ha a na yona.
Ho bolela phetoho efe kapa efe e ka etswang mosebetsing kapa sebakeng sa mosebetsi e kgonahalang, mme e tla kgontsha motho ya phelang ka HIV kapa AIDS ho fihlela kapa ho ba le seabo kapa ho tswela pele mosebetsing.
Ana ke mafu a fetiswang ho tloha motho e mong ho ya ho e mong nakong ya thobalano, ho kenyelletswa syphillis, gonorrhea le HIV.
Tsena ke diteko tse sa boleleng lebitso la motho, tse sa kopanngweng le motho, tse etswang ho leka ho fumana boteng le sekgahla sa lefu ka hara setjhabana kapa sehlopha se itseng e le ho fana ka lesedi bakeng sa taolo, thibelo le tsamaiso ya lefu leo.
<fn>sot_Article_National Language Services_NA REJISTARA YA TSHIR.txt</fn>
Rejistara ya Tshireletso ya Bana e kenya manane a bana ba sa sireletsehang, ba ka tlasa dilemo tse 18 boholo, ba hlokang ho sireletswa. Rejistara e bolokwa ke mosebeletsi wa setjhaba Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba sebakeng se itseng. Tlhahisoleseding e ka hara Rejistara ke ya sephiri ka hohlehohle mme e ka nehwa bao ba bopang karolo ya sehlopha sa Tshireletso ya Bana (mohlala: titjhere / mooki / ngaka / mosebeletsi wa setjhaba / mohlokomedi / lepolesa / makgistrata, jj).
Ho boloka lenane la bana ba sa sireletsehang ba hlokang ditshebeletso tsa mosebeletsi wa setjhaba.
Ho amahanya ngwana le ba lelapa la hae ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang le mosebeletsi wa setjhaba (moabi wa tshebeletso).
Ho lebela nyewe ka nngwe bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le ditshebeletso tsa boleng tse fuwang ngwana le ba lelapa.
Ka ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana (wa No. ya 74 wa 1983) batho bana ba latelang ba diprofeshenale ba tlameha ho tlaleha pelaelo efe kapa efe ya tlhekefetso kapa ho tshwarwa ha ngwana ka tsela e sa lokang.
Ngaka ya meno, ngaka, mooki, mosebeletsi wa setjhaba, titjhere, le motho ofe kapa ofe ya hirilweng kapa ya tsamaisang Lehae la Bana kapa Sebaka kapa Bodulo ba Tlhokomelo ya Bana.
Hang ho ba ho belaelwe hore ho bile le tlhekefetso ha ho hlahlojwa, ho sebetsanwa kapa ho thuswa ngwana, hoo ho lokelwa ho tlalehwa ho mosebeletsi wa setjhaba wa haufi le moo ngwana a dulang teng.
Ofising ya mosebeletsi wa setjhaba e haufinyane le moo ngwana a dulang teng.
Setho sefe kapa sefe sa setjhaba / moahi wa naha ya tshwenyehileng a ka hlwaya ntho e bohehang e le tlhekefetso ya ngwana kapa tshwaro e sa lokang mme a ka e tlaleha ho mosebeletsi wa setjhaba. Boitsebiso ba bona bo tla bolokwa e le sephiri.
Ho bolela dintlha tse mabapi le Ngwana.
Ho bolela dintlha tse mabapi le batswadi ba tlhaho \ bahlokomedi.
Aterese ya moo ngwana a dulang ha jwale, mme ha a le hole le batswadi, aterese ya batswadi.
Matsatsi le mefuta ya diketsahalo.
Mabaka a felletseng a etsang hore ho be le pelaelo.
Nalane efe kapa efe ya diketsahalo tsa nakong e fetileng.
Dintlha dife kapa dife tsa bao o ka iteanyang le bona ba ka tiisetsang menyenyetsi eo ya tlhekefetso.
Dintlha tsa moo ho ka iteangwang le wena ho tsona tse faeleng ke tsa bohlokwa haholo ha ho ka etseha hore mosebeletsi wa setjhaba a batle ho latela taba e itseng ho wena.
Tlhekefetso mmeleng: E ka ba matetetso, mabadi, ho robeha masapo, ho tjha, ho longwa, jj.
Tlhekefetso ka thobalano: Tshebediso e mpe ya ngwana ka tsa thobalano.
Tlhekefetso moyeng: Hona ho ka nka mofuta wa ho hloleha ho fihlela ditlhoko tsa ngwana bakeng sa lerato, kelo hloko, tshusumetso kapa ho nna o rohakana le ngwana, ho se amohele ngwana, tshabiso ka dikgoka kapa maiteko a ho tshosa ngwana.
Ho se tsotellwe: Ho tswela pele ka ho hloleha ho sireletsa ngwana hore a se be kotsing efe kapa efe, serameng, tlaleng, ho se phethe dintho tsa bohlokwa tse mabapi le tlhokomelo, jj.
Mosebeletsi wa setjhaba o tla etela ngwana le lelapa ho ya bona hore na ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso.
Nyeweng tseo ho tsona motho eo ho thweng ke yena mohlekefetsi, mme a dula lapeng le le leng le ngwana, yena a ka kotjwa hore a tswe moo. Haebe hona ha ho kgonahale, ngwana a ka ya ho ya dula le moahisani, motswalle, wa leloko kapa sebakeng sa polokeho bakeng sa nakwana.
Tjhe, ke feela ha bophelo ba ngwana bo le kotsing. Motheo wa ho boloka ngwana ka hara lelapa la hae ka ho ya ka moo ho ka kgonehang ke ntho ya bohlokwa haholo. Ha ho etswa diqeto le teng dintho tse molemo bakeng sa ngwana le tsona di lokelwa ho elwa hloko haholo. Ba malapa mmoho le bana ke karolo ya tshebetso efe kapa efe e etsang diqeto boemong ba bona.
Tjhe, ngodiso ka boyona ha e ame boikarabelo ba semolao boo batswadi kapa mohlokomedi/bahlokomedi ba nang le bona ho ngwana. Tsona di ameha feela ha ho nkuwe mohato wa semolao (mohlala: ho nkuwa ha ngwana).
<fn>sot_Article_National Language Services_NO ya 50A.txt</fn>
Molao wa Bopaki ke sesebediswa se hlokehang haholo mabapi le motho ya batlang ho sebetsa ka molao. Hore o tle o tsebe ho sebedisa sebetsa sena ka bokgoni le ka ho phethahala, ho a hlokeha hore motho a be le kutlwisiso ya mehopolo e itseng ya motheo eo ho buuwang ka yona kgafetsa ke bangodi diphatlalatsong ka Molao wa Bopaki.
Sepheo sa tokomane ena ke ho lokisetsa le ho tsebisa batho hore ba hlwaye le ho tseba mehopolo ya motheo Molaong wa Bopaki, le ho ba thusa ka motheo o tla etsa hore ba sebedise Molao wa bopaki kaofela ha ona.
Bopaki bo kenyeletsa tsebiso e tekelwang lekgotla ho thusa lekgotla ho etsa qeto ka mabaka a taba.
Ka thepa ya bopaki ho buuwa ka thepa yohle e ka sebediswang e le bopaki lekgotleng.
Molao wa Bopaki o mabapi le ho hlahisa mabaka le ho laola ka moo mabaka a ka lekolwang ka teng. Mabaka a ka lekolwa ka ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya dintlha tsa bopaki.
Setshwantsho se fana ka pontsho e hlakileng ya makala a fapaneng a molao; se bontsha hore ke lekala lefe la Molao wa Bopaki le ka tlasa tlhaloso ya Molao wa Bopaki le bontsha hore Molao wa Bopaki o na le eng.
Ngangisano ya mmuso le ba sireletsang ha e bake bopaki, empa e na le molemo feela wa ho tataisa ngangisano. E kenyeletsa mehopolo le ditshisinyo tse sebedisetswang ho tiisa ntlha ya molao kapa dintlha, mme e sebedisetswa ho kgodisa lekgotla ho etsa qeto e itseng.
Pele kahlolo e dihuwa mahlakore ka bobedi a na le monyetla wa ho hlahisa kgang ya ho qetela e mabapi le bopaki boo ho fanweng ka bona nyeweng.
Dintlha tabeng ke dintlha tseo mahlakore ka bobedi a tlamehang ho fana ka bopaki hore ba atlehe nyeweng ya bona.
Dintlha tse lekang ho lekola kapa tse hananang le dintlha tsa taba eo ho buuwang ka yona.
Mohlala: Nyeweng eo e leng hore ho buuwa ka ntate wa ngwana, boitsebiso ba ntate e tla ba taba eo ho buuwang ka yona, mme thobalano le ntate e tla ba ntlha e tsamaelanang le taba eo ho buuwang ka yona.
Bopaki ba motheo bo hlalosa hore ke bopaki bo matla kapa bo seng matla bo teng.
Bopaki bo latelang bo hlalosa hore bopaki ba botle bo teng kapa bo bile teng.
Tokomane ya motheo e amohelwa e le bopaki ba motheo, empa dikgatiso tsona ke bopaki bo latelang.
Lentswe prima facie ke polelwana ya Selatini e hlalosang ho hlaha lekgetlo la pele. Polelwana prima facie molaong e hlalosa hore bopaki bo teketsweng lekgotla bo lekane hore bo ka ba le dintlha kapa nyewe ka ntle ha eba ho ka hananwa le bona?
Ha eba ho se na mabaka a hananang le dintlha tseo, prima facie e tla ba mabaka a amohelwang ka bo ona.
Bopaki ba ho qetela bo hlalosa mabaka a qetellang ao ho ke keng ha hananwa le ona ka mabaka afe kapa afe a kgahlanong le ona.
Bopaki bo thoko ke bo sa tobang taba eo ho buuwang ka yona.
Mohlala: Nyeweng ya polao, ho ka fanwa ka bopaki ba hore A o ne a e na le sepheo sa ho bolaya B, mme a o ile a bonwa a baleha ho tswa tlung ya B ka thipa e nang le madi.
X o fana ka bopaki ba hore o utlwile dikgalase di thubeha, o ile a hetla, mme a bona Y a eme ka pela fenstere ya Z e tjhwatlehileng a tshwere lejwe.
Mohlala: Nyeweng ya polao, C o fana ka bopaki ba hore o ne a eme ka ntle fenstereng ya ntlo ya B, mme e bona A a hlaba B.
Kamohelo e hlalosa feela ho amohela bopaki, ha ho na hore e tla amohelwa e le kae. Kamohelo e a amohelwa kapa e qhellwa thoko. Hore na bopaki bo a amohelwa ho itshetlehile hodima hore e loketse le hore ho amohelwa ha yona ho tla baka ho belaela moqosuwa.
Ho amohela bopaki ho ya ka mabaka a kgotsofatsang qetellong ya nyewe. Ha mabaka a sa kgotsofatse, bopaki ha bo qhellwa thoko.
Lekgotla le amohetse hore tokomane e ka sebediswa ho hlomeng dipotso le ha e le ya nnete, empa e hanwa ke ba lehlakore le hananang le le leng. Ke ka mora hoba mmuso e qetelle nyewe ya yona ebe ba sireletsang ba ba le monyetla wa ho tekela bopaki ba bona ka bonnete ba tokomane. Ha ho sa lekolwa bonnete boo, bopaki bofe kapa bofe bo hlahang ka lebaka la ho hloma dipotso lekgotla le bo qhelele thoko.
Ho etsa qeto ka ho lokela ha mabaka, lekgotla le tlameha ho nahana hore ebe bopaki bo teketsweng lekgotla bo tsamaelana le taba eo ho buuwang ka yona.
Tumello ke tokelo e batlwang ke paki kapa wa lehlakore le leng hore a se ke a hlahisa bopaki lekgotleng. Ho na le mefuta e mmedi ya Tumello: Tumello ya Motho a le Mong le Tumello ya Mmuso.
Dikamohelo tsa molao ke dikamohelo tse etswang lekgotleng tse bakang bopaki ba ho qetela, mme ho ke ke ha hananwa le bona kapa ba hulwa ka ntle ha eba ditlhoko tse ding di phethilwe.
Dikamohelo tseo e seng tsa molao ke dikamohelo tse entsweng ka ntle ho lekgotla tse ka hlaloswang kapa ha hananwa le tsona.
Boipolelo ke ha moqosuwa a amohela molato ka hohlehohle, ke hore ha bo etswa lekgotleng, bo tla amohelwa e le ho Ipona Molato.
Kamohelo ka molao ke ha lekgotla le amohela mabaka a akaretsang le a fumanweng ha ho ntse ho ngangisanwa e le bopaki bo sa kang ba hlahlojwa ka ho batlisisa bopaki boo.
Ho lekanyetsa ke qeto e bang teng ho ya ka mabaka a itseng a tshetlehilweng hodima molao.
Mosebetsi wa ho batlisisa nnete o hlalosa tshwanelo ya lehlakore le leng ho batlisisa nnete nyeweng ya yona ka ntle ho hore ho ka ba le pelaelo. Molaong wa rona wa bosenyi ho batlisisa nnete ho itshetlehile hodima botjhotjhisi.
Mosebetsi wa Bopaki o hlalosa tshwanelo ya ka lehlakoreng le leng ho bontsha bopaki bo kgotsofatsang ho thusa lekgotla ho mema lehlakore le leng ho araba ho fana ka bopaki bo kgotsofatsang ho ba kgahlanong le nyewe ya prima facie e entsweng ke lehlakore le kgahlanong le le leng.
<fn>sot_Article_National Language Services_Na Bolebedi ba Dikaro.txt</fn>
Na Bolebedi ba Dikarolo tsa Sebaka (Sector Policing) bo bolelang?
Bolebedi ba Dikarolo tsa Sebaka ke mokgwa wa bopolesa moo ho bona sebaka se lebellwang ke seteishene sa mapolesa ka ho se arola dikarolo tse nyenyane, hape tse tla laolwang hantle ha bonolo, mme dibaka tseo tse arotsweng di bitswa dikarolo. Bakeng sa karolo ka nngwe, ba Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa ba tla kgetha Lepolesa leo e tla bang Molaodi wa Karolo ya Sebaka (Sector Commander).
Baahi ha mmoho le molaodi wa bona wa karolo ba tla sebetsa mmoho ho etsa bonnete ba hore ho ba le polokeho le tshireletso.
Jwalo ka mohlanka ya thibelang botlokotsebe, yena o tla ba le boikarabelo ba merero le diprojeke tsa ho shebana le botlokotsebe karolong ya sebaka.
Ho sebetsa ka mafolofolo tshehetsong ya Bolebedi ba Karolo ya Sebaka ka ho ithaopa ho ba Marisefe Dikarolong tsa sebaka.
Ho ba le seabo sa ho iteanya le molaodi wa bona wa karolo le ho sireletsa sebaka sa boahisani.
Ho etswa boipiletso ho bahwebi ba sebaka, dikhanselara, mekgatlo ya baahi le baetapele ba baahi ho kenya letsoho boitekong bohle ba ho shebana le dintho tse bakang botlokotsebe bo etsahalang Dikarolong Sebaka.
<fn>sot_Article_National Language Services_Na bopolesa ba dikaro.txt</fn>
Na bopolesa ba dikarolwana bo bolelang?
Mokgwa wa ho KGUTLELA MAEMONG A MOTHEO moo sebaka se arolwang ho ba dibaka tse nyenyane tse tla laolwang ha bonolo di tsejwa ka DIKAROLWANA. Ho behwa motsamaisi wa Karolwana bakeng sa ho tsamaisa karolwana e itseng, mme yena o sebedisana le baahi le bathahaselli ho qeta bonokwane bo tlwaelehileng karolwaneng eo. Bohle ba bang le seabo moo ba ba le mosebetsi wa ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso bakeng sa karolwana ya bona, le ho rarolla ekasitana le ho qeta dintho tse bakang bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng eo?
Kaofela ha lona le na le boikarabelo ba ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso le ho rarolla disosa tsa bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng ya lona.
tlisa mokgwa o kenyeletsang wena mmoho le lelapa bakeng sa ho rera ditharollo tsa bonokwane karolwaneng ya sebaka sa lona; le ho tlisa boikarabelo bo kopanetsweng mahareng a hao le motsamaisi wa karolwana ya lona wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa.
Na bopolesa ba dikarolwana bo bolelang?
Mokgwa wa ho KGUTLELA MAEMONG A MOTHEO moo sebaka se arolwang ho ba dibaka tse nyenyane tse tla laolwang ha bonolo di tsejwa ka DIKAROLWANA. Ho behwa motsamaisi wa Karolwana bakeng sa ho tsamaisa karolwana e itseng, mme yena o sebedisana le baahi le bathahaselli ho qeta bonokwane bo tlwaelehileng karolwaneng eo. Bohle ba bang le seabo moo ba ba le mosebetsi wa ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso bakeng sa karolwana ya bona, le ho rarolla ekasitana le ho qeta dintho tse bakang bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng eo?
tlisa mokgwa o kenyeletsang wena mmoho le lelapa bakeng sa ho rera ditharollo tsa bonokwane karolwaneng ya sebaka sa lona; le ho tlisa boikarabelo bo kopanetsweng mahareng a hao le motsamaisi wa karolwana ya lona wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa.
Kaofela ha lona le na le boikarabelo ba ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso le ho rarolla disosa tsa bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng ya lona.
<fn>sot_Article_National Language Services_Nka Phepetso ya 5-A-D.txt</fn>
E ja mejo e 5 ya ditholwana le meroho letsatsi le letsatsi!
Faeba e qhibidihang e diehisa ho ntshwa ha ho ka mpeng, mme ka hoo e eketsa maikutlo a ho tlala?
Haebe phetoho e le nngwe feela eo batho ba e entseng ho mokgwa oo ba phelang ka ona e bile ya ho ja bonyane mejo e mehlano ya ditholwana le meroho letsatsi le letsatsi, sekgahla sa kankere se ne se tla theoha ka 20%.
O se ke wa siya meroho e kgabetsweng e le ka metsing nako e telele divithamine di tla hlatsweha?
Ha o pheha meroho kapa ditholwana, o se ke wa tshela bicarbonate of soda ka ha yona e senya divithamine tsa bohlokwa.
O se ke wa pheha meroho nako e telele le ho feta, e phehe hanyenyane feela paneng e kwahetsweng.
Poma meroho e metso ho ba dikotwana tse lekanang hore e tle e phehehe ka ho tshwana hape ka potlako. Bongata ba meroho e metso e hloka feela ho kgohlwa hanyenyane pele e ka jewa kapa ya phehwa. Ha ho hlokeha hore o e ebole, sebedisa thipa e bohale ka ha yona e ka ebola feela letlalo le lesesane.
O ka mpa wa baka meroho le ditholwana tse di na le letlalo (mohlala, ditapole, mokopu, eie, tamati, diapole le butternut).
Metsi a ka hlatswa divithamine.
Ha ho kgonahala, stima kapa o kenye ditholwana le meroho ka hara microwave ka ha mokgwa ona o tiisetsa ho bolokwa ha phepo e ntle.
Qoba ho ebola le ho poma ho sa hlokeheng hobane phepo e ntle hangata e haufi le letlalo.
Ebola ditapole feela ha di se di butsitse hona ho etsa hore ho s ebe le tshenyo e ngata.
Hang ho ba meroho e phehwe, tsholela batho ka potlako qoba ho e beha e futhumetse kapa ho e futhumatsa hape?
Sebedisa metsi a ntshitsweng merohong ha e ne e phehwa bakeng sa white sauce, moro kapa sopho ka ha e tla ba le phepo e ntle.
Lokisa salad e monate hape mmala o hohelang (e nang le ditholwana le meroho e hohelang ka hodima salad ya hao).
Na o ne o tseba hore ho ja ditholwana le meroho e 5 ka letsatsi ke enngwe ya kgetho tsa bohlokwa tseo o ka di etsang ho hlokomela bophelo ba hao bo botle.
Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle o kgothaletsa hore re je mejo e 5 kapa ka hodimo ho moo ya ditholwana le meroho ka letsatsi. 5-ka-letsatsi ke tataiso feela, mme ha ho na palo e hodimodimo.
KA MEHLA di a fumaneha.
Na sejo ke eng?
tholwana e 1 e mahareng ka boholo ya kopi ya tholwana e foreshe e ponngweng e entsweng dikotwana ya kopi ya meroho e phehuweng kopi e 1 ya meroho e makgapetla a matala kopi e?
E mong le e mong ke mofenyi ha a phehella ho tse hlano.
Ditholwana le meroho ke tsona dibeso tsa makgonthe tseo o di hlokang ka dinako tsa kgatello e hodimo.
Matsatsi a beuweng bakeng sa mosebetsi, mesebetsi ya sekolo, dihra tse telele mosebetsing ha ho letho le ka ho hlolang ha o ka feta ho 5-ka-Letsatsi ka mehla?
Nwa kgalase ya lero le foreshe. Sehela tholwana e foreshe kapa o kgabele tholwana e ommeng ka motohong.
Boloka meroho e metala e sehuweng ka hara sekotlolo ka forijing hore o e je neng kapa neng.
Leka ho nahana ka meroho jwalo ka karolo e kgolo ya dijo tsa hao e be o kenya nama kapa tlhapi ka hodimo.
Kenya meroho e meng dijong tsa hao, e jwalo ka broccoli ka hara pasta kapa casserole ya hao.
Sebedisa ditholwana ho kgabisa dijo tsa hao.
Etsa disalate tse monate ka ho sebedisa ditholwana le meroho.
Di-enzyme tse ditholwaneng le merohong e metala di thusa tshebetsong ya thuiso, ka hoo mmele wa hao o tla ba le eneji e ngata, ke hore, E JA HAHOLO DITHOLWANA LE MEROHO E METALA BAKENG SA ENEJI E EKETSEHILENG!
<fn>sot_Article_National Language Services_Ntshetsopele ya Molao.txt</fn>
Kholetjhe ya Toka le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ke tsona tse fanang ka thupelo ena.
Marena a sebedisa matla a ho etsa qeto ya molao le matla a ho etsa qeto ya tsamaiso. Ke ntlha ya bohlokwa ho utlwisisa phapang dipakeng tsa tshebetso tsena tse pedi hobane molao o sebediswang ho e nngwe le e nngwe ya tsona o fapane.
Qeto ya molao e etswa ha Morena a bitswa ho tla ahlola qabang e dipakeng tsa batho ba setjhaba kapa a lokela ho sebetsana le tletlebo ya e mong wa batho ba setjhaba sa hae ya sa kgotsofatswang ke diketso tsa e mong. Ha batho ba babedi setjhabeng ba dumela hore bobedi ba bona ba na le matla a ho fudisa makgulong a itseng sebakeng se le seng mme ho bitswa Morena ho tla ahlola hore bathong ba babedi bana hantlentle ke mang ya nang le tokelo ya lekgulo le sebakeng seo, qeto e etswang mona ke ya molao hobane sepheo sa yona ke ho rarolla qabang e teng. Ha motho a le mong setjhabeng a qosa e mong ka ho utswa dikgoho tsa hae mme nyewe ena e tekwa ka pele ho Morena, qeto e jwalo e lokelang ho etswa e tla kenyeletsa tshebediso ya matla a qeto ya molao.
Ha motho e mong setjhabeng se itseng a kopa Morena tumello ya ho fudisa diphoofolo tsa hae makgulong a itseng, kapa a kopa tumello ya ho haha ntlo sebakeng se itseng, Morena o tla sebedisa matla a tsamaiso a ho etsa qeto e jwalo ntlheng ya hore a nehelane ka tumello kopong e jwalo. Qeto ya tsamaiso e laolwa ke karolo ya 33 ya Molao wa Motheo le ke Molao wa Kgothaletso ya Tsamaiso ya Toka wa 2000. Ho latela molao ona qeto e nngwe le nngwe kapa mohato wa tsamaiso o nkuwang ke Morena o lokela hore o be le toka, o utlwahale mme o hloke leeme.
Morena ya entseng qeto ya tsamaiso kapa ya nkileng mohato wa tsamaiso, ha ho etsahala hore a kotjwe ho fana ka mabaka a qeto ya hae , o lokela ho ba le bokgoni ba ho fana ka mabaka a ngotsweng ho motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di behilweng ka mosing ho latela qeto ena kapa mohato ona wa tsamaiso. Ha mabaka a sa hlahiswe, motho ya etsang kopo ya ho fuwa mabaka o na le hona ho ka leba lekgotleng la dinyewe ho qobella hore a fuwe mabaka. Ha ho fanwe ka mabaka mme motho ya amehang a dumela hore ha se a molao, ha a utlwahale ebile le mehato ya ona e na le leeme, motho eo a ka etsa kopo lekgotleng la dinyewe hore qeto e entsweng e boele e lekolwe botjha.
Molao o amanang le qeto ya tsamaiso o thehilwe molaong wa tlwaelo, empa jwalo o se o kentswe molaong ka Molao wa Kgothaletso ya Tsamaiso ya Toka. Batho ba kenetseng thupelo ena ba tla fuwa khopi ya bukana eo sehlooho sa yona e leng Tataiso e sebetsang ya Molao wa Tsamaiso. Bukana ena e fana ka tataiso ya mohato o mong le o mong wa ho etsa qeto ya tsamaiso, mme mohato wa pele ke ho lekola motheo o fanang ka matla ho motho ya lokelang ho etsa qeto kapa ho nka mohato o itseng?
Marena ha a etsa diqeto tsa molao, a lokela ho ikamahanya le Molao wa Motheo, metheo ya molao o tlwaelehileng mabapi le taba ya ho etsa qeto le dipallo tsa molao ofe kapa ofe o fanang ka matla a jwalo. Mokotaba wa seo ho ileng ha sebetsanwa le sona boholo mona thupelong ena ke o amanang le ho etsa qeto. Diqeto tsa molao di ka iswa boipiletsong kapa tekolong e ntjha.
<fn>sot_Article_National Language Services_O ka kopa Buka ya Boi.txt</fn>
Ka ntle ha eba kopo ya hao e utlwahala, mme e tlatsitswe hantle. Lefapha le tla kgona ho sebetsa tokomane ya hao ya boitsebiso nakong e ka bang dikgwedi tse pedi. Ha o kopa bukana ya boitsebiso o tlamehile ho hlalosa hore o tla e lata kapa re o posetse yona atereseng ya hao.
Tlatsa foromo ya B1-9 eo ho fanweng ka yona diofising tsa Lefapheng la Tsa Lehae naheng ka bophara.
Tlatsa foromo ya B1-9 eo ho fanweng ka yona diofising tsa Lefapheng la Tsa Lehae naheng ka bophara.
Lefella ho ntshuwa ha bukana lektelo la bobedi R12-00 ebe o boloka setlankana sa hao hore se tle se sebediswe ha o tlo lata bukana.
Ha o batla ho botsa hore Ofisi ya Lefapha la Tsa Lehae e haufi e hokae, o ka buisana le ofisi ya lebatowa sebakeng sa heno.
<fn>sot_Article_National Language Services_PELE O KA QALA.txt</fn>
Sepheyo sa dipatlisiso tsena ke ho fumana maikutlo a ditho le basebetsi ho boetapele, leano le meralo, ba sebeletswang le ba nang le seabo, tsamaiso ya batho, tshebedisano, tsamaiso ya mehlodi le mekgwa ya tsebiso, metjha, sekgahla setjhabeng, tikoloho, kgotsofalo ya ba sebeletswang le ba nang le seabo, boleng ba tshebeletso, kgotsofalo ya batho, tshebetso ya ba fepelang ka thepa le setlamo le diphetho tsa mokgatlo.
Diphetho tsa dipatlisiso tsena di tla arolelwanwa ke botsamaisi bo hodimo ba Lefapha la Tshireletso/Lebotho la Naha la Tshireletso la Afrika Borwa. Ka tsela e jwalo, ho bohlokwa hore arabe potsong ka nngwe ka botshepehi boo o ka bo kgonang. Sena ha se ho beha tekong dikarabo tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. Maikutlo a hao ke ona feela karabo e nepahetseng.
Setsha se tla tshwara tsebiso e fanweng e le ya sephiri bakeng sa Tshekatsheko e Phethahetseng. O tla dula o sa tsejwe. Jwalo ka Setsha sa Tshekatsheko e Phethahetseng se tla lekola tsebiso e bokelletsweng ka dihlopha feela, mohlala e arohantsweng ho ya ka banna le basadi.
Ho bonolo ho tlatsa leqephe la dipotso hobane bongata ba dipotso di arajwa ka ho etsa sidikadikwe nomorong e loketseng ya karabo eo o dumellanang le yona ka ho hlahisa maikutlo a hao ka ho phethahala.
Ha o ka ba le mathata a ho tlatsa leqephe la dipotso ka kopo se qeaqee ho kopa thuso ho mosebetsi ya thontsweng/mofuputsi kapa o ikopanye le Setsha sa Tshekatsheko e Phethahetseng Nomorong ya Thuso ho 312 4788/8164788.
Re lebohela tshebedisano ya hao ka ho fana ka tsebiso e kopilweng.
O sebetsa yuniting efe?
Khoutu ya yuniti ya hao ya PERSOL ke efe?
Maemo a Sehlopha.
O wa morabe ofe?
Dilemo tsa hao dikae?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba etsa mosebetsi wa bona kapele le ka ho phethahala?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba mamela mathata a bao ba ba okametseng?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba a fihlelleha?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba hlalosetsa bao ba ba okametseng ka ho hlaka ka se lokelang ho etswa?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba netefatsa hore bao ba ba okametseng ba tseba le ho utlwisisa se lebelletsweng ho bona?
Na baetapele/batsamaisi yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao ba netefatsa hore bao ba ba okametseng ba kwetlisitswe ka ho phethahala bakeng sa mosebetsi wa bona?
Na mookamedi wa hao o ke a bue ka botebo ka menyetla mosebetsing wa hao?
Na Mookamedi wa hao o o bontsha hore o ka etsa mosebetsi wa hao nantle haholo ha kae?
Na o fumantshwa kwetliso mosebetsing (kwetliso o ntse o sebetsa) hore o tle o thusehe ho ba le tlhahiso e eketsehileng?
Na mosebetsi o motle o a ananelwa yuniting/sebakeng/sehlopheng sa hao?
Na o na le monyetla o motle wa ho nyollelwa ha o etsa mosebetsi wa hao hantle?
Na o na le monyetla o motle wa ho fumantshwa bonase ya mosebetsi o kgabane ha o etsa mosebetsi wa hao hantle?
Na o a tseba hore keng mosebetsi wa hao k.h.r?
Tlhokomelo ya tikolohomohl.
amohela maemo a habilweng ho fihlellwa ke sehlopha?
ikemiseditse ho sebedisana le ditho tsa sehlopha?
ikemiseditse ho thusa moo ho hlokehang?
Na hangata o ye o bone kgotofalo ya bao re ba sebeletsang ka tse mekgwa e latelang?
O nahana hore bao le ba sebeletsang ba kgotsofetse hole hokae ke dihlahiswa/ditshebeletso tsa yuniti/sebaka/sehlopha sa hao?
Na yuniti/sebaka/sehlopha sa hao se kile sa fumana ditlhapiso dikgweding tse 12 tse fetileng ka baka la boleng ba ditshebeletso/dihlahiswa tsa sona?
Dipolelo tse latelang di mabapi le maikutlo a hao ka yuniti/sebaka/sehlopha sa hao. Bakeng sa polelo ka nngwe, hlalosa bokae ba tlhaloso/boleng boo o nahanang yuniti/sebaka/sehlopha sa hao se na le bona jwalo ka bo hlaloswa ke polelo ka nngwe.
Batho bohle le dihlopha, bobedi kahare le kantle ho Lefapha la Tshireletso, ba nang le kgahleho ho yuniti/sebaka/sehlopha sena, mohl.
<fn>sot_Article_National Language Services_PHATLALATSO YA SESOTH.txt</fn>
Ke motlotlo ka ho fuwa tlhompho ya neheletsa Pehelo ya Selemo sa 2002/2003 ya Lefapha la Bonono le Setho.
Selemong sa ditjhelete sa 2002/2003 ho bonahetse keketseho e sa lebellehang ya tekanyetso ya lefapha la Bonono le Setho. Diabo tse eketsehileng ho tswa matlong ao, tse reretsweng ntshetsopele ya diindasteri tsa setho, Projeke ya Freedom Park le ntshetsopele ya bokgabo bononong, e tswetsepele ho tiisa Lefapha ho etsa ka moo le lebelletsweng ka teng ho kgothalletsa le ho ntshetsapele bonono le setho ka hara Afrika Borwa.
Nka hetla ka sheba diketsahalo tse ngata, diprojeke, mananeo le mesebetsi e etsahetseng ka 2002/2003, empa tse mmalwa dihlahella ka mahetla e le mehlala ya kamoo Lefapha le sebedisitseng kabelo ya lona ya tekanyetso ka boikitlaetso le ka mokgwa o bontshang boikarabelo.
Enngwe ya tsona ke Projeke ya Morgans Bay Carnival e neng e le ka Tshitwe wa 2002. Projeke eo e kopantse dibaka tsa ka tse pedi, bonono le setso, saense le theknoloji, ketsahalong e hlakisitseng matla a tsona jwalo ka disebediswa thutongho kgothalletso kopano setjhabeng. Mokete ka boona o bontshitse talente le matla a bana ba Morgans Bay, mme ke bile le monyetla wa ho hlahisa sebaka sa setjhaba sa dikhompyuta se ba fang monyetla wa fihlella Internet, dipapadi tse rutang le monyetla wa ho fihlella theknoloji ya tsebiso ya sejwalejwale. Nakong ya moketeke ile ka boela ka etela projeke ya thibelo ya bofuma e tshetswang ke Lefapha. E fumana sefutho ka talente le maikemisetso a basadi ba sebaka seo le bo rabonono, projeke e fana ka kwetliso ya ho roka le mefuteng e meng mesebetsi ya matsoho. Kaha jwale sebaka se sebetsang ka ho phethahala se se se thehuwe, mohato o latelang e tla ba ho eketsa ntshetsopele ya bokae ba tlhahiso le tlhahiso, ho theha ebaraka ya ka nako tsohle bakeng sa dihlahiswa tsena?
Torotswaneng e nyane jwalo ka Morgans Bay, Lefapha le kgonne ho sebetsa jwalo ka mofetodi hore setjhaba se kene ka setotswana, ka tjheseho le qetellong, matlafatsong?
mofani ka tsebiso ka bonono, menyetla ho tsa bonono, tse etsweng ka bonono le disebediswa.
Fahleho se setjha sa Lefapha la Bonono le Setho se qala se hlahella ka mahetla mme ke tjheseho ke amohelang Mof. Buyelwa Sonjica jwalo ka Motlatsi wa Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji mme Moprofesara Itumeleng Mosala, e le Molaodi Kakaretsowa Bonono le Setho.
Pehelo ena ya Selemo e fana ka kakaretsoya diphihlello tse ngata selemong sa ditjhelete sa 2002/2003, mme ke motlotlo ho neheletsana ka yona Palamenteng le ho batho ba Afrika Borwa. Ha ke ntse ke etsa jwalo, ke hopola mosebetsi le nna wa mehleng, Letona Bridgette Mabandla, o na dula ho la ho netefatsa hore tseo re neng re habile ho di fihlella phanong ka ditshebeletso re di fihlelletse selemong seo mme le dilemong tse ngata tse fetileng.
Tahlehelo ya rona ke Lekala la Phumantsho ya Matlo hape.
Ka 2002 karolo ya ho tshehetsa Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji, Mohlomphehi Ngaka Ngubane, e ile ya fetisetswa ho nna. Motlatsi wa Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji wa mehleng o ile a fuwa matla a ho tsamaisetsa pele merero ya mmuso ho fana ka matlo baahing ba yona, mme ho nkeng ha ka boikarabelo bo bo kana ho ntshihile ke na le tema e kgolo e batlang ho kgathwa.
Ke ka tjheseho e kgolo ke ikemiseditseng ho tshehetseng le ho tataiseng Lefapha la Bonono le Setho mekutung ya lona ho theheng Afrika Borwa moo bonono, setho le bojalefa bo tlang ho hola teng. Ke etsa seo ka tsebo ya hore motheo o tsitsitseng wa ho kenyelletsa ba nang le seabo, ditshebedisano le tsamaiso e phethahetseng ya setsha di se di qadilwe ke Letona le Hlomphehang Mabandla.
Se seng sa dintlha tsa sehlooho ho nna selemong se tlang e tla ba ho tswelapele ho tsitlallela bohlokwa ba ntshetsopele ya bong le ho bo kenyelletsa mookong wa bonono, ho netefatseng hore basadi ba fumana maemo a ba loketseng mekatong yohle ya bojalefa, bonono le setho. Ho feta moo, ho bohlokwa hore Lefapha le tswelepele ho tshehetsaboikitlaetso bo bulang menyetla ya bonono bathong ba sa itekanelang. Ke nnete, phihlello ke yona mokokotlo wa leano la mmuso. Nka thabela ho bona bonkakarolo ba MaAfrika Borwa ohle diprojekeng tsa Lefapha, tse fanang ka moralo o kopaneng le ponelopele bakeng sa bojalefa ka hara Afrika Borwa. Bojalefa ba rona bo na le bokgoni ba ho kenyaletsoho haholo kahong ya setjhaba. Ka lona baka leo, ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Naha wa Leano la Puo ho tla ba ka sehloohong ho nna selemong se tlang. Re tshepa hore Moralo wa Naha wa Leano la Puo o tla thusa mmuso phanong ka ditshebeletso le ho kenyeng tshebetsong Batho Pele.
Ke neheletsana ka tokomane ena Palamenteng le setjhabeng sa Afrika Borwa ka diteboho tseo ka tsona ke ananelang karolo ya ya neng a le ka pele ho nna, le ka tshepo ya hore selemong se tlang re tla nne re fihlelle katleho ya 2002/2003.
Ka Phato wa 2002, ka ditherisano le Letona la Bono, Setho, Saense le Teknoloji, Mopresidente o ile a etsa qeto ya ho arola mesebetsi ya Lefapha la Bonono, Setho, Saense le Teknoloji (DACST). Mafapha a mabedi a arohaneng a thehwa; Lefapha la Saense le Teknoloji (DST) le Lefapha la Bonono le Setho (DAC), ao hlooho ya le leng le le leng e leng Molaodi Kakaretsomme le leng le le leng le na le mekgwa ya tshebetso ya lona, tekanyetso le basebetsi. Qeto ha e a ka ya ama Lefapha, empa, ya fana ka tokelo hore bobedi mafapha a boikarabellong ba Letona Ben Ngubane le Motlatsi wa Letona Buyelwa Sonjica.
Lebaka la sehloho la karohano e ne e le ho fana ka monyetla wa ho tsepamisa maikutlo matleng le tsebong dibakeng tseo tebello e le a tsepamiswe ho tsona. Ha re sheba karohano ya ditshebeletso ho ya ka makala ka hara Lefapha la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji la mehleng, karohano ha e a ka ya ba le tshitiso e itseng ka ho qolleha ditshebeletsong tsa sehlooho. Lekala la tshebeletso tsa ka hare, le akaretsang dikgohano, basebetsi, tsamaiso ya ditjhelete le teknoloji ya tsebiso, ke tsona tse ileng tsa ameha haholo ke phetoho.
Ho tsamaisa, ho qala le ho kenya tshebetsong ditumellano tsa tshebedisano le matjhaba ho tsa bonono le setho.
Ho netefatsa kemedi ya bonono le setho sa Afrika Borwa matjhabeng.
Ho tsamaisa bojalefa le dintlha tse amanang le ditswantsho ka hara naha.
Ho tsamaisa le laola ditsha tsa bonono, setho le bojalefa.
Ho kgothaletsa meketjana ya bonono, setho le bojalefa.
Ho tshehetsa thuto e fumanehang maemong a sa tlwaelehang le kwetliso bakeng sa tsebo ya mosebetsi bononong le sethong.
Ho tshehetsa ntshetsopele le phihlello ya bonono.
Ho tshehetsa bokgabane le boikemelo bononong.
Ho kgothaletsa tshebedisano le maqhama pakeng tsa bohle ba nang le seabo bojalefeng ba mefuta e fapaneng ka hara Afrika Borwa.
Ho bokella le ho boloka tsa bohlokwa tsa bojalefa diakhaeveng tsa naha ka tsamaiso e loketseng le tlhokomelo ka direkoto tsa mmuso.
Ho fana ka ditshebeletso tsa matshwao a mmuso.
Ho ntshetsapele diindasteri tsa setho ka tshebedisano le makala a poraevete.
Ho fana ka ditshebeletso tsa phetolelo le bohlophisi bakeng sa mafapha a naha mmuso.
Ho phahamisa dipuo matswallwa.
Ditshebeletso tsa thero ya puo le tlotlontswe.
Tekanyo le boeletsi ka tshebediso ya mabitso a dibaka.
Taolo ya dilaeborari tsa naha le tsebiso e sa tlwaelehang.
Pehelo ena ya selemoe hlakisa mosebersi wa Lekala: la Bonono le Setho la DACST ya mehleng le wa Lefapha la Bonono le Setso le letjha, moo bongata ba mehlodi ya Afrika Borwa bakeng sa bophelo bo lokileng e tsetelwang teng. Bonono ke ba bohlokwa ho theheng kopano setjhabeng, hape ke sesebediswa sa bohlokwa kahong ya setjhaba se le seng. Lefapha le letjha la Bonono le Setho le tla ba le seabo se seholo sa ho kopanya ba nang le seabo ho netefatsa hore bonono le setho di boloka maemo a hodimo mahlong setjhaba.
R1 million e ne e reretswe Merero ya Malapa, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso ya Durban e ikitlaelletsang ho thibela HIV/Aids.
Projeke ya Tsosoloso ya Boitshwaro, e leng Univesithing ya Zululand, e fumane R400 000 bakeng sa ho kenya projeke tshebetsong ka tshebedisano le mafapha mmuso wa provense a Ditaba tsa Setso, Polokeho le Tshireletso le Thuto, Dipapadi le Setho le mmuso wa selehae. Projeke ya bobedi ya Tsosoloso ya Boitswaro, e leng Umzimkhulu ho la Eastern Cape e shebaneng le HIV/Aidsle seabo sa setho ho kgutlisweng ha ditlwaelo tsa boitshwaro bo botle, e fumane R1 million.
Zakheni Music Industry Education Project e ile ya fumana R250 000 ho ruta dibini ka dintlha tse amang le ditokelo tsa thepa e se nang boamo le ho tshwarwa ha kgwebo ho ya ka ditlwaelo tsa teng.
Motlatsi wa Letona la Bonono, Setho, Saense le Teknoloji la mehleng, Mof. Brigitte Mabandla, o ile a etela pele diteko tsa naha tsa ho kgutlisa Sarah Baartmann, eo qetellong a ileng a phomotswa ka Tsatsi la Bojalefa la 2002. Ka thuso ya Lefapha la Ditaba tsa Kantle ho Naha le Kantoro ya Mopresidente, le boemong ba dikolo tse phahameng, Professor Phillip Tobias wa Univesithi ya Witwatersrand, o ile a tshwara ditherisano tse tebilengtse phethetseng ka ho kgutliswa le bolokwa ha Sarah Baartmaan.
Bonono le Setho tse sebediswang ka botlalo ho fihlelleng ntshetsopele le matlafatso moruong le ho fana ka letshwao naheng, tekano ho phahamisweng le tshireletsong ya dipuo tsohle tse 11 tsa semolao, le o hlompha nalane ya rona ka poloko ya bojalefa ba rona bohle bo se bo kopane.
Ho fihlella tekano phihlellong ya mehlodi ya bonono, setho, bojalefa le moo puo e sebetsang teng.
Ho kgothalletsa tshebediso ho ya ka moo dipuo di leng ka teng ka hara naha ya rona jwalo ka mohlodi wa ho matlafatsa MaAfrika Borwa ohle ho sebetsa boemo ba setjhaba, dipolotiki le moruo naheng.
Ho tshehetsa ntshetsopele e lekanang, poloko le kgothaletso e kopanetsweng bakeng sa nalane , matshwao a naha, bojalefa le dilaeborari tsa rona.
Ho phahamisa ho utlwahala ha boteng ba Afrika Borwa sedikadikweng sa matjhaba ka mananeo a kopanetsweng boemong ba naha tse pedi kapa tse ngata.
Ho ntshetsapele bokgoni moruong le boiqapelong ho bonono le setho ka thuto le kwetliso ho tsa bonono, le ho fokotsa bofuma ka ho sebedisa bonono le setho e le polatefomo bakeng sa ho thehwa ha mesebetsi ya ka nako e telele.
Tokelo ya tshebetso ho latela molao ya Lefapha la Bonono le Setho e batsi, e akaretsa bongata ba ditsha le melao.
c bolokolohi ba boiqapelo bononong; le d bolokolohi thutong le diphuputsong tsa saense?
E mong le e mong o na le tokelo ya ho sebedisa puo le ho ba le seabo sethong sa hae seo a ikgethetseng sona, empa ha ho na motho ya phethang ho ya ka ditokelo tsena a ka etsang jwalo ka mokgwa o ka se tsamaelane le pehelo efe kapa efe ya Bili ya Ditokelo (karolo 30)?
Karolo A ya Shejule ya 4 ya Molao wa Motheo e supa hore dintlha tsa sethole puo ke tsa tshebetso e lekanang ka bohlokwa pakeng tsa mmuso wa naha le wa provense.
Ka tokelo ya tshebetso ho latela Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, le ka taelo ho tswa Tokomaneng ya Nakwana e mabapi le Bonono, Setho le Bojalefa, Lefapha la Bonono le Setho , ho latela molao, ditsha le mananeo, le rerile ho ntshetsapele bonono, setho le bojalefa ba Afrika Borwa. Ka ho etsa jwalo, Lefapha le netefatsa hore maano a Batho Pele a tekano, phihlello, puso e ntle le ho pepeswa a a sebetsa hohle mananeong a lona le ditsheng tse tlasa taolo ya lona.
Dikgokahano ke mosebetsi o rerilweng oo e leng karolo ya mme o lokela ho sebeletsa mananeo ohle. Ha ho kopanngwa mesebetsi e kang dikamano le boraditaba, dikamano le diprovense, ditherisano le ba nang le seabo le taolo ya diketsahalo, tse hlahelletseng ka mahetla Dikgokahanong selemong di kenyelletsa ho thehwa ha Francemo ya Baqolotsi ba Ditaba tsa Bonono ho ntlafatsa tshebedisano pakeng tsa mmuso le boraditaba.
Bonono, Setho le Puo Setjhabeng e tsepamisitse maikutlo ho ketekeng, ho ntshetseng pele le ho bolokeng monono wa bongata ba ditho tse fapaneng ka hara Afrika Borwa. E di hulang pele ntshetsopeleng ya dipuo tse 11tsa semmuso tsa Afrika Borwa, National Language Service (NLS) e fana ka ditshebeletso tsa phetolelo le tlotlontswe mmusong le bongateng feela ba ba nang le seabo. Tse hlahelletseng selemong sa ditjhelete sa 2002/2003 ka hara NLS di kenyelletsa Telephone Interpreting System of South Africa (TISSA), tshebeletso e fanang ka ditshebeletso tsa phetolelo ho sebeletsa ba tlang ho una molemo le ba fana ka tsona ditshebeletso, le kananelo ya Leano la Puo la Naha le netefatsang ntshetsopele e tswelang pele ya dipuo tsohle tse 11. Bonono le Setho Setjhabeng bo laola ditsha tse fapaneng tsa bonono, tseo selemong sena di ileng tsa fetolelwa ho ba tse theilweng semolao, se etsang hore ho be le mokgwa o iphotlileng wa taolo le boikarabelo, thuto ho tsa bonono le dintlha tse mabapi le tekano le phihlello. Ho ntshetseng pele seabo sa bonono le setho setjhabeng, tse hlahelletseng selemong sena di kenyelletsa ho thakgolwa ha Moral Regeneration Movement (MRM), ho thehwa ha Federation of Community Arts Center, le tshehetso e ntseng e tswelapele ya diketsahalo tse bontshang ditalente tsa batho ba sa itekanelang bononong.
Mananeo a Ntshetsopele ya Bonono le Dikamano Matjhabeng a nang le mosebetsi wa ho netefatsa ntshetsopele ya diindasteri tsa setho tsa Afrika Borwa le ho netefatsa hore bonono le setho sa Afrika Borwa di phahama ha kae sedikadikweng sa lefatshe, selemo sena re bone bongata ba tsona di fana ka ditholwana. Mokgwwa o motjha wa ho fana ka matlole bakeng sa ntshetsopele o bonahetse ka ho thehwa ha dilekane le, mohlala, Sweden, e leng se tlang ho phahamisa boikemelo mererong ya ntshetsopele ho itshetlehile se bitswang Overseas Development Assistance (ODA). Ho feta moo, m bongata ba borabonono ba ile ba thabela tshehetso ya Lefapha ka ho bontsha ka ditalente tsa bona mose. Ka tshebedisano le Cultural Development, seboka sa INCD, e leng ketsahalo ya bohlokwa e hlakisang tlhoko ya tshireletso ya ditho tse fapaneng boemong ba lefatshe, e ile ya tshwarwa. Cultural Development e ile ya sebedisa mananeo a twantsho ya bofuma ho hlwaya menyetla ya kwetliso ya batho ba 10 000 le menyetla ya mesebetsi bakeng sa ba bang ba 2 700. Mesebetsi le diprojeke tse ileng tsa qalwa ho tswa ho Cultural Industries Growth Strategy di ntse di tiya ho ya ka nako. Mohlala o motle wa sena ke katleho ya National Craft Imbizo le Beautiful Things Exhibition tse neng e le karolo ya Seboka saLefatshe se mabapi le Ntshetsopele ya ka Nako Tsohle.
Mananeo a Bojalefa, Akhaevae ya Naha le Tshebeletso ya Naha ya Dilaeborari ke ona a bolokang bojalefa bo nang le boamo, bo se nang boamo, bo lokelang poloko le tsa mahlale ka hara naha. Tsamaiso ya makala a fapaneng, mananeo a reretswe ho ntshetsapele ditsha tse teng ha jwale tsa bojalefa, ho theha tse ntjha le ho netefatsa pokelletso le poloko ya Akhaevae ya Naha le bojalefa bo phatlaladitsweng. Dintlhakgolo tsa lenaneo lena di kenyelletsa ho kgutliswa ha masapo a Sarah Baartman ka mora ditherisano tse nkileng nako e telele, sehopotso sa Ntwa ya Manyesemane le Maburu ka hara Afrika Borwa, le tswelopele ka ntshetsopele ya projeke ya Freedom Park. Diakhaeve, ho latela diketsahalo tse di tswetsepele ho fetola dikateng tsa bojalefa bo fumanehang diakhaeveng ka ho tshehetsa le ho hlophisa mehlobi ya nalane e buuwang ka hara naha. Phano ka dikgau tse ntjha tsa naha kgetlo la pele ka 2002/2003 e bile ketsahalo ya bohlokwahadi Diakhaeveng, jwalo ka ha ho bile jwalo le ka bonakakarolo projekeng ho kgutliswa Dingolwa tsa Timbuktu ho tswa Mali. Ho na le lekala le letjha la Lefapha la Bonono le Setho tsebisong, le sa tswa tswa ho Saense le Teknoloji. Tsamaiso ya tse bokelleditsweng laeboraring, tsa bohlokwa setjhabeng di bolokilwe ke sehlopha se hlophisang le ho hlokomela mosebetsi wa dilaeborari tsa naha.
Le sebetsana le tsamaiso yohle ya Lefapha le ho fana ka ditshebeletso tse bohareng.
Le kgwathatsa, hodisa le ho hlokomela bonono le setho ka hara naha, le tsepamisitse maikutlo bokgoning ba mokgatlo, maano a bong, tsosoloso ya boitshwaro bo botle le phapang ya dipuo, ho dumella MaAfrika Borwa ho nka karolo ka botlalo ho tse amang bodulo, dipolotiki le moruo wa sona.
Le kgothalletsa tlokomelo ya ditho ka ho fapana ha tsona le diindasteri tsa setho tsa Afrika Borwa, ha mmoho le ho kgothalletsa maqhama boemong ba matjhaba.
Le tataisa, boloka le ho ntshetsapele bojalefa, diakhaeve le ditsha tsa tsebiso ho netefatsa taolo e phethahetseng, ntjhafatso ya ditsha le phihlello ya tsona ke bohle.
Ka ha dipuisano e le mosebetsi o hlokolotsi, Botsamaisi bo ka Sehloohong ba Dikgokahano bo kopanya mananeo ohle a Lefapha. Ka nako tsohle matsholo a dikgokahano a DAC ha a rerwa, mefuta yohle ya batho ka hara setjhaba e a nahanelwa. DAC e rerile ho hokahana ka mokgwa oo e leng hore melaetsa ya yona e fihlella moo e rometsweng mme e a utlwisiswa ke bohle bao e reretsweng bona, mme e tsitlallela ho fetisa tsebiso e loketseng ka mokgwa o nang le kgohedi le o kgothatsang. Ka Letsema, diboka, indaba le imbizo tse kenyelletsang makala ohle a setjhaba, DAC e buisana ka ho toba le ba nang le seabo.
DiFrancemo tse ikgethang di ile tsa thehwa bakeng sa batho bao ho habilweng ho buisanwa le bona. Mohlala, Francemo ya Baqolotsi ba Ditaba tsa Bonono e ile ya atleha. Francemo e Johannesburg, mme e na le Baqolotsi ba Ditaba ba 43 ba sebetsang ka hara setjhaba, ba masedinyana a elektroniki le ba dipampiri. Mehato e tshwanang le eo e ile ya thehwa KwaZulu-Natal le Western Cape.
Bolaodi bo ka Sehloohong bo mehatong ya ho kenya meralo ya bona jwalo ka ha ho entswe dikgothalletso Pehelong ya Comtask.
Dikamano le boraditaba tse lebisitsweng ho ntshetseng pele dikamano pakeng tsa boraditaba le mmuso bakeng sa setjhaba se nang le tsebo.
Ho rala, ho bontsha le dikgokahano boemong ba matjhaba ho netefatsa ntshetsopele le phano ka tsebiso ya boleng bo hodimo.
Dikgokahano boemong ba Provinsi le tsamaiso ya bankakarolo ho netefatsa phano ka ditshebeletso e kopanetsweng.
Dinlthakgolo tse kgethilweng tsa selemo tse ntseng di lekolwa di hlahella ka tlase.
Ka tshebedisano le Kantoro ya Mopresidente, Lefapha la Bonono le Setho le ile la ba le seabo ditokiselletsong tsa Mokete wa Dikgau tse Ntjha tsa Naha ka la 10 Tshitwe 2002 jareteng ya Union Buildings. E le karolo ya ho thakgolwa, Motlatsi wa Letona wa mehleng wa Lefapha la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji, Mof. B Mabandla, o ile a etela Mof. Noria Mabasa moo a dulang kgohlong ya Vuwani ho la Limpopo ho mo tlotla ka mosebetsi wa hae ka hara setjhaba.
Lefapha la Bonono le Setho le ile la hlophisa ho thakgolwa ha Mokgatlo wa Tsosoloso ya Boitshwaro ka la 18 Mmesa 2002. Ho ile ha mengwa batho ba sekete ho tswa diprovenseng ka borobong ba tsona tsa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho tla kenela ho thakgolwa hona ho neng ho le Waterkloof Air Force, Pretoria.
Ho latela kopo ya Lefapha la Ditaba tsa Kantle ho Naha, Lefapha la Bonono le Setho le ile la hlophisa lenaneo la setho ho keteka ho thakgolwa ha AU Durban ka Phupu wa 2002.
ho binwa ha pina ya mookotaba wa AU.
Konsarete ya Setjhaba, mokete wa pontsho ya difilimi le mokete wa papadi ya kalaneng.
dipontsho ka dihlopha tse fapaneng tsa setho le dipontsho tsa mefuta e fapaneng.
betjhe ya sesole.
Lefapha la Bonono le Setho le ile la tshwara Seboka sa Terminology in Advanced Management Applications (TAMA) ho tloha ka la 19 ho ya ho la 21 Hlakola Indaba Hotel ho la Johannesburg. Seboka se ne se le mabapi le tlotlontswe, tsebiso le tsamaiso ya tsebo nakong ena e okametsweng ke thknoloji le mokgwa oo theknoloji e ka sebediswang ka teng ho thusa ba sebetsang ka puo makaleng a setjhaba le a poraefete hore ba ka qapa tlotlontswe mokgwa o tshwanetseng, ho tsamaisa le ho lekanya tlotlontswe. Baemedi le dibui ho tswa boemong ba naha le ba matjhaba ba ile ba kenela seboka, se ileng sa bulwa ke Mof. Mabandla.
Ka mora dipuisano tse telele, palamete ya For a e ile ya fetisa molao ka Hlakola wa 2002 o ileng wa dumella ho kgutlisetswa ha masapo a Sarah Baartmann Afrika Borwa. Mokete wa ho nehelana ka ona o ile wa tshwarelwa Ntlong ya Bonqosa ya Afrika Borwa ho la Paris ka la 29 Mmesa 2002.
Masapo a Sarah Baartmann a ile a fihla Afrika Borwa ka la 3 Motsheanong 2002, ka mora kopo ya mekgatlo ya basadi, tshebeletso ya kapeso ya ona e ile ya tshwarelwa Cape Town ka la 4 Phato 2002. Tshebeletso ya ho a pata e bile ka Letsatsi la Naha la Basadi ka 2002, Hankey ho la Eastern Cape.
Mekete ya Letsatsi la Bojalefa ka 2002 e ile ya tshwarelwa Mary Fitzgerald Square ho la Newtown, Johannesburg ka la 24 Loetse 2002. Mokete, ka kopanelo ya mananeo a naha le a provense ya Gauteng, e ne e keteka matshwao le ditsha tsa naha.
Tshebeletso ya Naha ya Puo ke mmoloki wa Leano la Naha la Puo. Ntshetsong pele dipheo tsa leano, NLS e fana ka ditshebeletso tsa phetolelo le tlotlontswe mmusong le dibakeng tse ding tse nang le seabo.
PANSALB ke mokgatlo e thehilweng semolao wa puo o ikarabellang ho Letona ka ho otloloha.
Sepheo wa karolo ya lenaneo lena ke ho netefatsa hore bokgabane le tekano phihlellong ya bonono le setho di a tshehetswa, le hore ntshetsopele ya bonono e ba teng maemong ohle a setjhaba. Thuto ka bonono le thupello le ntshetsopele ka dihlopha tse reretsweng hona tse kang basadi, bana, batjha le batho ba sa itekanelang ke tsona tse ka sehloohong.
NAC ke mokgatlo o thehilweng semolao o ikarabellang ka ho Letona ka ho otloloha.
Bonono le Setho Setjhabeng, tse tshehetsang, hara tse ding Lekgotla la Naha la Bonono (NAC) le Kgwebo le Bonono Afrika Borwa (BASA).
Ho phahamisa le ho sireletsa ditokelo tsa puo tsa dipuo tsohle tse 11 tsa semmuso.
Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji le ile la tsebisa ka Moralo wa Leano la Naha la Puo (NLPF) ka la 3 Tshitwe 2002. Sepheo se seholo sa NLPF ke ho phahamisa tshebediso e lekaneng ya ka morero wa ho etsa hore ditshebeletso tsa mmuso le tsebiso di fihlellehe ka ho lekana. Ka baka lena, ho phahamiswa le ho ntshetswwapele ha dipuo tse neng di se na monetla pele ho bonahala ho loketse. Moralo ona wa leano o tlama mmuso ho theha mananeo a mang a kwetliso le diyuniti tsa puo, tsamaiso ya ho kenngwa ha leano tshebetsong, ntshetsopele ya bokgoni ba basebetsi le disebediswa lekaleng la Diteknolojing tsa Puo ya Batho, le ho theha tshebedisano e kopanetsweng le dibaka tsa thuto e phahameng tse fanang ka mananeo a dumelletsweng ke SAQA tshebedisong ya puo.
Moralo wa ho kenya tshebetsong ho tiisa maano a NLPF o ile wa ralwa le ho buisanwa sebokeng sa boitjhoriso sa mafapha a mmuso wa naha le ditshebeletso tsa diprovense tsa puo ka Hlakola 2003. NLFP e ile ya thakgolwa ka mora moo.
Projeke ya Tshebeletso ya Botoloki ka Mohala ya Afrika Borwa (TISSA) neng e le tekonge ile ya qalwa ka 2002, se ileng sa etsa hore baahi ba fihlelle ditshebeletso tsa setjhaba ka puo tsa boikgethelo ba bona. E ile ya fumaneha diteisheneng tse itseng tsa sepolesa ka hara naha le ditliniking tsa Tshwane Metropolitan hara beke ho tloha ka hora ya 008:00 ho ya ho ya 016:00.
TISSA ke projeke ya tonana e tsamaisang phihlello ya ditshebeletso tsa setjhaba bakeng sa baahi ba Afrika Borwa ka puo ya kgetho ya bona. Ditoloko tsa projeke di kwala sekgeo sa puo pakeng tsa mosebeletswa le ya fanang ka ditshebeletso ka tshebediso ya setsha sa ho amohela mehala. Sepheo sa bobedi sa lenaneo ke ho phahamisa le ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tsa matswallwa ka hara naha.
Projeke ke mosebetsi o kopanetsweng ke Lefapha la Bonono le Botjhaba, Boto ya Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB), Lefapha la Bophelo bo Botle le ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS). Setsha se reretsweng Botoloki ba Puo ya Matsoho se ile sa Thakgolwa Setsheng sa Bastion, Cape Town ka Phato wa 2002. Tlhahlobo ya morero ona o sa ntsaneng o qala e tla phethelwa ka Phupu wa 2003 mme diphetho di tla etsa hore ho nkuwe qeto ka kgonahalo le ditjeho tsa ditshebeletso tsa botoloki ka mohala ditshebeletsong tsa setjhaba Afrika Borwa.
Moifo wa Boeletsi wa Letona ka Theknoloji tsa Puo ya Batho (HTL) o ile wa etsa diphuputso le ho fana ka pehelo ka leano le mehato e meraro la ntshetsopele ya HTL ka hara Afrika Borwa. Mosebetsi wa moifo o ile wa phethelwa ka Pehelo mabapi le Ntshetsopele ya Theknoloji ya Puo ya Batho ka hara Afrika Borwa ka Loetse wa 2002. pehelo e ne e sebetsana le dikgothalletso ka ho phethahala tse mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha maano a HTL ka hara Afrika Borwa le ho fana ka moralo wa mesebetsi yohle e ileng ya etswa ke Moifo.
Jwalo ka karolo ya letsholo la tlhokomediso ka puo la Hoyozela, khalendara e nang le dipuo tse ngata bakeng sa 2003 e ile ya hatiswa le ho fuwa basebeletsi ba setjhaba ho se hlokomedisa ka leano la setjhaba la puo tse ngata.
Ho bile le keketseho bakeng sa tlhoko ya ditshebeletso tsa phetolelo le bohlophisi, jwalo ka ha ho hlahella meralong e ka tlase.
Lekala la Dipuo tsa Baditjhaba le tsamaisitse phetolelo ya dipuo tse 19, ho tloha ho Arabic ho ya ho Shona. Phetolelo tsa SeFrance ke tsona hape tse bileng ka sehlohlolong ho hlokeha (59%), se latelwa ke Spanish (34,6%), Sepotoketsi (2,83%), le Sejeremane (1,02%). Tlhoko ya phetolelo ya Spanish e nyolohile ka 52% mme ya Sepotoketsi ka 140%.
Keketseho ya ditlhoko tsa phetolelo e bile teng le dipuong tsa semmuso tsa SeAfrika.
Tshebeletso ya Naha ya Puo (NLS) e boetse e kgothalletsa, e fana ka sefutho le ho phahamisa tshebediso ya dipuo tsa matswallwa a Afrika ka ho ntshetsapele tlotlontswe e lekantsweng, mme e jara boikarabelo ba ho tsamaiso ha diprojeke tsa ka ntle ho mmuso tsa tlotlontswe.
NLS e na le diprojeke tse fapaneng, tse reretsweng tlhahiso ya dibukantswe tsa setekginiki bakeng sa dikolo dithutong tse fapaneng. Projeke ya Saense ya Tlhaho le Theknoloji e ntse e tswelapele ho qapa tlotlontswe ya sekginiki dithutong tsa saense ya tlhaho tse kang physical science, biology, chemistry, biochemistry le botany. Ntshetsopele ya tlotlontswe bakeng sa dintho e tla thusa ka ho kenngwa ha dipuo tsa seAfrika ho sebetsa ka botlalo jwalo ka tsa ho ruta. Projeke e kenyelletsa dithuto tse kang histori, geokerafi, dipolotiki tsa motheo, tsamaiso ya motheo ya mmuso, saense ya moruo le disaense tsa tsamaiso.
Projeke ya Theknoloji ya Tsebiso ya Dikgokahano e kenyelletsa bongata ba tseo ho ka ithutelwang tsona, mme dikgokahano ka mohala, kgwebisano ya seelektroniki, ditshebeletso tsa poso le kgaso di tla ba karolo ya mokato wa pele, o tlang ho tsepamisa maikutlo ho qapeng mantswe a tlang ho sebetsa ka ho tshwana dipuong tsohle tsa semmuso bakeng sa dikarolo tse nne tse seng di boletswe.
DAC, Lekgotla la Diphutso tsa Bongaka MRC le Marangrang a Diradio tsa Setjhaba tsa Naha NCRF. Morero wa projeke ke ho ntsha tsebiso mabapi le diphuputso ho ya setjhabeng hore ho tle ho matlafatswe le ho ntlafatsa tsebo ya sona ka diphuputso le ho ntshetsapele tlotlontswe ka bophelo bo botle dipuong tsa matswallwa a Afrika Borwa.
Diprojekeng tsena tsohle NLS e sebedisana le batho ba nang le tseboo le ba rupelletsweng ha mmoho le bao e leng ditsebi ka seo ho sebetsanwang le sona. Bona ba tswa Dikomiting tsa Puo tsa Diprovense (PLCs), Mekgatlong ya Naha ha Puo (NLBs), Diyuniting tsa Naha tsa Leksikokerafi (NLUs), dibakeng tsa thuto e phahameng ka hara naha, matitjhere le setjhaba.
Bonono le Setho Setjhabeng ke ntlha e ntjha ya bohlokwa bakeng sa Lefapha la Bonono le Setho. Sepheo sa karolo ena ke ho tsepamisa maikutlo seabong sa bonono le setho tsosolosong ya setjhaba ka ho fana ka tshehetso e hlokehang ditshseng tsa bonono le mekgatlong ya bonono. Botebong ba mosebetsi wa lona ke ho kenyelletswa ha dihlopha tse reretsweng hona tse kenyelletsang batho ba sa itekanelang, basadi, batjha le bana.
Projeke ya Flemish Community Arts Sentre e thusitse karolo ena haholo. Ntlha ya pele, e na le diphetho tsa DAC e leka ho thusa dintsha ho itahlela ka setotswana, mme ka projeke ena ya MaFlemish e fane ka mehlodi e eketsehileng ho ntsha mananeo a Ditsha tsa Bonono tsa Setjhaba. Projeke e tobane le diprovense tse tharo, tse sebediswang e le teko e ka fetisetswang diprojeke ka borobong ba tsona. E re file basebetsi ba eketsehileng le bokgoni, mme e bile motheo wa katleho mekgatlong ya Ditsha tsa Bonono tsa Setjhaba diprovenseng. Re se re qadile ka ho fihlella boemo ba botsitso ka hara Dikhansele tsa Bonono ba Kalaneng. State Theatre e se e butse mamati a yona hape, mme ditsha tse ding di qaddile ho sebetsa ho latela PMFA, ka meralo ya selemo ka seng, ditekolo tsa kotara kang le mekgwa e loketseng ya ho fana ka dikarabo kgetlo la pele.?
Lenaneo la Tsosoloso ya Boitshwaro le hlokile hore re hlophise Imbizo ya Tsosoloso ya Boitshwaro le dihlopha tsa baahi. Sephetho e bile ho ntshetswapele ha mananeo a naha ho lokisa dintlha tse mabapi le boitshwaro, makgabane, boitsebo, jj. Lenaneo le leng le atlehileng e bile lenaneo la selemo ka seng leo re le tsamaisang le Federal Council for the Disabled le hlahisang ka mahetla bokgabane le dintlha tse mabapi le phihlello ya bonono bakeng sa batho ba sa itekanelang.?
Phetoho e kgolo ka ho fetisisa e bile ho kenngweng tshebetsong ha Molao o Fetotsweng wa Melao ya Setho o neng o hloka hore ditsha tsohle tsa setho di fumantshwe tjhelete ke Lefapha hore e tle e be mekgatlo e theuweng semolao. Sena se bolela hore Letona le thonya modulasetulo wa khansele kang. Ho boela ho netefatsa hore ditsha di wela tlasa melawana ya PMFA.?
Ho tlatseletseng maqhameng a ntseng a tswelapele le ditshwa tsa setho, thuto ka bonono e ntseng e tswelapele, ho se itekanele le dintlha tse ding ho na le dintlha tse ding tse pedi tse pedi tse lokelang ho sebetswa. E nngwe ke lenaneo le ekeditsweng la mesebetsi ya setjhaba le neng le phatlaladitswe Sebokeng sa Mesebetsi, le neng le bontsha hore bonono le setho di na le seabo ho ahweng kapa ho ntlafatsweng ha disebediswa. E nngwe ke projeke e ka etswang le Lefapha la Phumantsho ya Matlo ho kenyelletsa batho ba ralang, borabonono le babang ba sebetsang ka tsa setho mosebetsing ho sheba hore na bonono bo ka kenya letsoho jwang phumantshong ya matlo a theko e tlase.
Mosebetsi ohle wa Lefapha la Bonono le Setho ha o se o kopane ho tloha ka 1995, bongata ba ditsha di ile tsa tshehetswa selemong sa ditjhelete sa 2002/2003.
Karolo ya mokgwa wa tshehetso e kenyelleditse ho fetolwa ha dibaka tsa dipapadi tsa kalaneng ho ba tse theuweng semolao tlasa Molao wa Ditsha tsa Setho.
Selemong se fetileng ho thehuwe le ho fanwa ka tjehelete ho mekgatlo e tsheletseng e phahamisang maemo (SGBs). Ditsebi ho tswa makaleng a fapaneng a thuto di ile tsa beha leihlo ho behwa ha maemo a dithuto tsa bonono maemong a fapaneng ho netefatsa bokgoni maemong a fapaneng.
Selemo e bile se bileng le ditshebedisano tsa bohlokwa tse ileng tsa qalwa le mekgwa ya tshebetso e ileng ya thehwa le Lefapha la Thuto (DoE). A ntse a tataiswa ke melawana ya tshebeisano ya mafapha, mananeo a kang Baswa le Meetse a ile a kenngwa tshebetsong. Baswa le Meetse ke projeke ya naha e tsamaiswang ke Lefapha la Metsi le Meru (DWAF) dikolong, le sebedisang bonono e le mokgwa wa puisano ho hlokomedisa ka bohlokwa ba metsi.
Ho na le mefuta e mebedi ya ditshatsa bonono tsa setjhaba ka hara Afrika Borwa. Ditsha tsa Mananeo a Kahobotjha le Ntshetsopele tseo DAC e di thehileng pakeng tsa 1996 le 2000, le Ditsha tsa Histori ya Bonono ba Setjhaba, tse faneng ka thuto le thupello ho tsa bonono pele ho 1994.
Tekolo ya Ditsha tsa RDP tsa Bonono ba Setjhaba e ile ya etswa ke DAC ka thuso ya human Research Sciences Council (HSRC). Tekolo e hlhisitse diphepetso tse tobaneng le ditsha mme ya etsa hore ho be le leano le loketseng la ntshetsopele. Leano la ntshetsopele le ile la kenyelletsa diboka tsa boitjhoriso tse pedi boemong ba naha ka Mmesa le Mphalane 2002, e leng lona lebaka leo DAC e ileng ya ntsha R960 000 ho tshehetsa mananeo a Ditsha tsa Bonono ba Setjhaba ka 2002/03.
Ditsha tsa setjhaba tsa histori di ile tsa nka karolo ya leano la ntshetsopele bakeng sa ditsha tsa bonono tsa setjhaba. DAC e ile ya theha maqhama a tshbedisano le ditsha tse seng e le tsa kgale ho netefatsa hore ho na le kaho ya bokgoni le matlafatso ho tse ntjha. Ka tshehetso ya DACm Federation of Community Arts Centres e ile ya thakgolwa ka Hlakubelel wa 2003.
Ho tiisa ditsha tsa bonono tsa setjhaba ho feta, DAC e ile ya tekena tumellano ya dilemo tse tharo ya naha tse pedi le mmuso wa MaFlemish bakeng sa kaho ya bokgoni le phethahatso ya lenaneo KwaZulu-Natal, Limpopo le Free State. DAC e inehetse ho faneng ka ditjhelete ho atolosetsa diprojeke diprovenseng tse ding tse tsheletseng tse setseng.
Lenaneo la Rabonono ya Motjha, le tsepamisitseng maikutlo ntshetsopeleng ya dibini tsa batjha tsa opera, le ile la qalwa ka 2002 ka tshebedisano pakeng tsa DAC le Friends in Communication. Phehisano boemong ba naha e kenyelleditseng dibini tse 22 tsa batjha tsa opera e ile ya tshwarwa Odithoriamong ya UNISA, moo Motlatsi wa Letona wa Mehleng Brigitte Mabandla a neng a le teng. Bahlodi ba babedi, Mong. Buyani Mlindi le Mong. Desmond Ntshebe, ba ile ba fuwa dimpho tse ileng tsa etsa hore mohlodi ka mong a be le monyetla wa ho kena Queensland Opera School, Brisbane, Australia. Ditlhophiso di se di qaduwe ho tswelapele ka lenaneo lena ka 2003/2004.
Tekong ya ho tsamaisa diphehiso tsa mafapha a fapaneng a mmuso ntshetsopeleng le tsamaisong ya mananeo a tsosoloso ya boitshwaro ka hara mmuso, Lefapha la Bonono le Setho le tsamaisitse bonkakarolo ba bohle boemong ba provense le mmuso. Lefapha le fane ka R5 ya dimilione ho MRM bakeng sa disebediswa le tshebetso, le ho fana ka tshehtso tsamaiso ya mesebetsi ya yona.
Seboka sa Tsosoloso ya Boitshwaro se ileng sa hlophiswa ke Lefapha la Bonono le Setho se ile sa tshwarwa ka la 18 Mmesa 2002.
Lenaneo la tshebetso la naha.
Leano la ho theha setlamo le mekgatlo ya boraditaba e ileng ya hlwauwa e le ya bohlokwa ho ka sebetsa jwalo ka barumuwa setjhabeng ka bophara.
Lenaneo le sekametseng ka tshebedisanong le tobisitsweng ho kenyeng leano le hlakileng le le kenyelletsang bohle.
Ntshetsopele ya diindasteri tsa temo e hlwailwe jwalo ka ntlha ya bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo le ho thehwa ha mesebetsi. Ka ho hasa, ho phahamisa le phano ka ditjehelete e rerilweng, Lefapha le le batla ho thusa makala a difilimi, mmino, diphatlalatso, mesebetsi ya ho betla, horala le bonono ba dipontsho.
Bolaodi bo ka Sehlohong ba Maqhama le Matjhaba bo rerile ho netefatsa hore bonono bo thabela melemo ka botlalo ya ho ba karolo ya lefatshe ka bophara. Tsamaiso ya ditumellano le matjhaba, ho theha tshebedisano le dinaha tsa matjhaba tse fanang ka thuso le ho tshehetsa diketsahalo tsa Afrika Borwa mose ke tsona tse ka sehlohong lekaleng lena.
Mokgatlo wa Naha wa Difilimi le Dividio ke mokgatlo wa semolao o ikarabellang ka ho otloloha ho Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji.
Lenaneo la thibelo ya bofuma le shebane le bofuma ka ho tsepamisa maikutlo mesebetsing ya ho betla, mmino, bojalefa, le makala a bohahlaodi ba setho. Lenaneo la kwetliso bakeng sa tsebo ke morero wa dilemo tse tharo o tshehetswang ka ditjhelete ke Lefapha la Bonono, le fanang ka kwetliso ho betleng, ho raleng, bononong ba dipontsho, bojalefa, mmino le difilimi.
ho phahamisa maqhama a setho matjhabeng.
Ntshetsopele ya Setho.
Maqhama le Matjhaba.
Phihlello e ka sehlohong selemong se fetileng e bile Imbizo ya Naha ya Babetli e ileng ya kopanngwa le Seboka sa Ntshetsopele ya ka Nako tsohle (WSSD), le ka seabo sa diprovense ka borobong ba tsona. Moelemo wa sehloho o unnweng e bile ho phakisa ho etsa tlhokomediso ka bobetli le bokgoni ba diprovense ho sebetsana le lekala la bobetli. Ntlhakgolo ya bobedi e bile ho phethelwa ha CREATE SA, ho qalwa ka diteko le ho fana ka matla tshebesanong le Boraditaba, Papatso, Kgatiso, ho Pakela le ho Phatlalatsa (MAPPP) SETA le Lefapha la tsa Mesebetsi.
Ntlhakgolo e nngwe e ka sehlohong e bile diphuputso tse ileng tsa etswa mabapi le ditsho tse fapaneng. Afrika Borwa e ile ya tshwara INCD mme ya di hula pele ka ho fana ka maikutlo a dinaha tse holing mabapi le se tlang ho sebediswa bakeng sa ho sireletsa ditho ka ho fapana ha tsona. Ya bone e bile ho kopanngwa ha lenaneo le ileng la fetela selemong sa boraro sa ho tshehetswa ka ditjhelete. Bongata ba diprojeke bo ile ba bontsha ditholwana tsa mosebetsi o entsweng kse diprovense ka borobong ba tsona.
Indastering ya mmino teng re qadile ra bona lenane la dikgothalletso tsa Music Industry Task Team di qala di sebetso mafapheng a mmuso di lokisa dintlha tse mabapi le taolo ya indasteri ya mmino. Mohlala, Lefapha la tsa Basebetsi le ile la lokisa taba ya ba sebetsi ba nakwana ka ho sheba Molao wa Dikamano tsa Basebetsi (LRA). Boto ya Thuso ka Molao e ile ya itahlela ka setotswana le yona mme ya fana ka lenaneo la ho kwetlisa babuelli lekaleng lena. Lefapha la Kgwebo le Indasteri le ile la teka ditokiso Molaong wa Ditlhapiso tsa Sebapadi le diphetoho lenaneng la dibini kgasong. Mokgatlo wa Naha wa Difilimi le Dividio o ntse o tsamaya hantle mme o tiisitswe ke ho qalwa ha Letlole la Feature Film. Ka 2002, Sithengi Film Market e ile ya hlophisa kopano ya indasteri ya difilimi jwalo ka lekala le kopaneng mme le hokanahang.?
Kopano ya Khansele ya Indasteri ya Kgatiso (PICC) e kopnatse kantoro ya yona mme ya hlahisa leano le hlakileng le mathata a hlahisang ditshitiso kgolong. Diprojeke tsa sehloho e bile ho kenngwa ha projeke ya First Wortds in Print le ho thehwa ha Writers Network.?
Ho na le lenane la diprojeke tse kgolo tse kang pontsho ya manaeo a bofuma le ho batla tshehetso tse ntjha tsa ditjhelete le ho ntshuwa le ho kenngwa tshebetsong ha lenaheo la CREATE SA le ho netefatsa hore le fana ka ditshebeletso ho latela ditebello. Re tla theha mmaraka wa mmino o kang Sithengi ho etsa kopano e nang le moelelo bakeng sa bohle ba nang le seabo indastering. Re lokela ho hlahisa mokgwa wa tshebetso o hlophisehileng haholwanyane lekaleng la bobetli. Re tla hlahloba thepa ya lekala la bobetli le ho bona hore na re ka eketsa thepa ena jwang hore e be marangrang a sebele. Indasteri ya difilimi e tla ba le metekeno e tlang ho etsa hore ho be le ditumellano tse eketsehileng tsa tlhahiso le Ireland le Italy. Hara diprojeke tse ding, re tla ntsha Letlole la Feature Film bakeng sa ho lokisetsa 2004 ha Affrika Borwa e tla beng e le ka sehloohong ka ho ikgethang ho Cannes Film Festival e leng France.?
Lefapha le tswetse pele ho tshehetsa Kopano ya Khansele ya Indasteri ya Kgatisole ho thehwa ha Writers Network e leng Setsheng sa Dibuka, Cape Town. Lefapha le ile la thusa Setsha sa Dibuka ka ditjhelete bakeng sa projeke ya teko ya First Words in Print ya kgatiso, e ileng ya hlahisa ka katleho dibuka tse loketseng babadi ba batjha ka lenane la dipuo?
Lenaneo la Mmino le ikarabella ho kenngweng tsebotsong ha maano a mabedi a bohlokwa.
Leano la Kgolo ya Diindasteri tsa Setho (CIGS) ka 1998, le Music Industry Task Team (MITT) ka 2000. Diphuputso tsa CIGS di ile tsa hlwaya dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho etswa ho fihlella bokgoni lekaleng la mmino hore le tle le thuse kgolong ya moruo. MITT e entse dikgothalletso tse 37 tseo ho neng ho nkuwa e le tsa bohlokwahadi ho ka tshela ditshitsiso ka hara indasteri. Bobedi ditokomane di bona mmuso o bapala karolo ya bohokwa tsamaisong ya ya phihlello ya menyetla ya moruo ka hara diindasteri tsa setho.
Ka kopanelo le mafapha a mmuso le mekgatlo ya semolao, DAC e kentse tshebetsong diprojeke tse fapaneng tse reretsweng ho ntshetsapele indasteri. Lefapha le bile le boikarabelo selemong sa ditjhelete sa 2002/2003.
SA Music Industry Directory ke sesupo sa selemo ka seng se kenyang dintlha le tsebiso ya bohlokwa ka ba nang le seabo ka hara indasteri. E netefatsa hore metjha ya puoisano e dula e bulehile ho bohle ba nang le kgahleho Indastering ya mmino wa Afrika Borwa. Lefapha le fane ka tshehetso projekeng dilemong tse tharo tse fetileng.
Beke ya Mmino wa Afrika Borwa ke projeke ya selemo ka seng e tshwarwang ho ella mafelong a Phato, e leng projeke e kopanetsweng ke Lefapha le Khansele ya Naha ya Bonono (NAC). Beke ya Mmino ya 2002 e ile ya tshwarwa ho tloha ka la 24 Phato ho ya ka la 31 Phato. Ketsahalo e ne e tsamaiswa le ho tshwarwa ke Music Industry Development Initiative (MIDI) Trust mme ke yona e kgolo ka ho fetsisisa ho ntshetsweng pele ha mmino o bapalwang kapa o rekotilweng wa Afrika Borwa ka kgaso, tlhokomediso le ho kgothalletswa ha dihlhiswa sa mmino wa selehae. Nakong ya Beke ya Mmino wa Afrika Borwa bongata ba bahasi ba ile ba eketsa mmino wa Afrika Borwa letotong la bona la mmino oo ba tlang ho o bapala, ba fa dibini tsa selehae monytla wa ho rekisa dihlahiswa tsa bona le lekeno ka mokgwa wa dihlpiso tsa beng ba ditokelo tsa kgatiso. Ka 2002 ketsahalo e ne e tsepamisitswe mminong o bapalwang, ho thehileng mesebetsi bakeng sa dibini, boratekginiki le tse ding tse tsamayelanang le tsona.
Dikopano di ile tsa tshwarwa pakeng tsa DAC, Boto ya Thuso ka Molao (LAB) LE Mokgatlo wa Mmino wa Afrika Borwa (MUSA).
mmuelli wa profeshenale le ba babedi ba baithuti ba tla thonngwa ho sebetsana le dinyewe tse salletseng morao tse kentsweng ho Lefapha ke Mokgatlo wa Mmino wa Afrika Borwa (MUSA).
projeke ya teko ya dilemo tse pedi e tla etswa Gauteng mme kantoro e tla bulwa Newtown.
Projeke e tla qala tshebetso ka Mphalane wa 2003.DAC e tla tswelapele ho sebetsa le Lefapha la Ditaba tsa ka hare ho Naha (DHA), Lefapha la tsa Basebetsi (DOL) le Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (SARS) ho buisana ka mokgwa o ka sebediswang bakeng sa phano ka ditumello tsa tshebetso bakeng sa indasteri ya mmino. Dipuisano tse ding di tla etswa le ba nang le seabo selemong sa ditjhelete sa 2003/2004.
Lefapha le fane ka mohlodi o motjha wa ditjhelete ho NFVF ho theha Letlole la Feature Film le jang R35 ya dimilione bakeng sa Moralo wa Ditjeho tsa Nako e Bohareng (MTEF) wa 2002-2005. Letlole le tla etsa hore NFVF e netefatse hore Afrika Borwa e na le matsete a maholwanyane letotong la difilimi tse bontshwang le ho thusa ho eketsa ditjhelete ho tswa ho boramatsete ba selehae le ba matjhaba. Ditshebedisano di ile tsa thehwa le mafapha a fapaneng a mmuso, ka ho qolleha, le Mafapha a Kgwebo le indasteri le Dikgokahanono. Basebetsi mmoho bana ba se ba qadile ho rala leano, disebediswa le metjha e tlang ho sebetsa e le kgothatso bakeng sa tlhahiso ya difilimi ka hara naha. NFVF e tekile moralo wa yona wa ho phahamisa indasteri ya difilimi ya Afrika Borwa.
Ka 2002/2003 e nngwe ya diteko tsa le leng la makala a Botsamaisi bo ka Sehlonong e ileng ya atleha ke Imbizo ya Naha ya Bobetli e neng e le Sebokeng sa Matjhaba sa Ntshetsopele ya ka Nako Tsohle. Le ha e le hore Dipontsho tsa Beautiful Things e ne e le karolo ya Imbizo, karolo e kgolwanyane ya boteng ba Lefapha Imbizong, e nang le dibaka tsa dipontsho tsa diprovense ka borobong ba tsona le ya leshome e bontshang mosebetsi wa diprojeke tsa DAC tsa twantsho ya bofuma. Sena se ne se radilwe ho netefatsa bonkaka karolo bo phethahetseng ba diprovensem, e leng mohlala o motle wa tshebedisano ya mafapha.
Mosebetsi e bile o atlehileng haholo, ka diprojeke tse fetang 380 tse bileng le seabo le lekeno le fetang R2 ya dimilione e ileng ya kena ka dibaka tseo tse 10 tsa dipontsho. Dipontsho ha jwale di behuwe Fektring ya Dibese e Newtown, Johannesburg. Sebaka seo se sebetsa jwalo ka sa polokelo ya dibetlwa tsa Afrika Borwa.
DAC e ile ya fana ka konteraka ho Council for Scientific Industrial Research (CSIR) ho etsa dipatlisiso ho thehweng ha sebaka sa ho hlahisa difaha tsa kgalase ka hara Afrika Borwa. Dipatlisiso di ile tsa fumana hore sebaka se jwalo se ka kgoneha, mme DAC, CSIR le Koporasi ya Ntshetsopele ya Indasteri (IDC) di ile tsa fana ka kopano moo tsena di ileng tsa phatlalatswa teng. Ba neng ba na le kgahleho ba ile ba kotjwa ho fana ka meralo ya bona ya tshebetso ho IDC. Universal Crystal Glass e ile ya fana ka boiketo bo ileng ba atleha. Jwalo ka karolo ya ho qala mosebetsi, baemedi ba babedi ho tswa Universal Crystal Glass ba ile ba kenela kwetliso ya ho sebedisa motjhini wa ho etsa difaha tsa kgalase ho la Czech Republic ka Hlakusbele wa 2003. Afrika Borwa e tla qala ho hlahisa difaha tsa kgalase kgetlo la pele ka 2003.
DAC e tsheheditse Indaba ya Matjhaba ya Moralo dilemong tse pedi tse fetileng. Ketsahalo ena ke sona feela seboka sa ba ralang ka hara Afrika Borwa mme ke e kgolohadi Karolong e Borwa ya Lefatshe, e kopantseng ba ralang ka makgalo ohle a lefatshe ho tla arolelana ka mehopolo le makgabane a tshebetso e ntle ha ho ralwa. Ka tshehetso ya DAC, ketshahalo ena e bile le baemedi ba 850 ka 2002. Projeke e ikgethang bakeng sa baithuti ba batjhaba moralo ba batho ba batsho e ile ya thehwa ka thuso ya CREATE SA.
Bolaodi bo ka Sehlohong ba Ntshetsopele ya Setho bo ile ba beha leihlo bonka karolo ba Afrika Borwa ho INCP ha ho ne ho hlahiswa sesebediswa sa matjhaba bakeng sa ditho tse fapaneng. Peho ka dintlha tse tobaneng le dinaha tse holing mabapi le boemo ba tsona matjhabeng, setho le kgwebisano e ile ya thakgolwa. Peho ena e ile ya hasanngwa ka bophara ho ya dinaheng tse ding tse holing bakeng sa hore di tshwaele le hona ho tekwa ka pela seboka sa INCP se neng se tshwaretswe Afrika Borwa, Cape Town.
Lefapha le ile la kopa HSRC ho sheba bothata ba botshepehi ba diPeresente ya paloPeresente ya palo tsa setho le tse hlokomedisang le ho etsa dikgothalletso bakeng sa leano la ho dula ho ntse ho etswa diphuputso. Seo ba se utullutseng sethatong se bontshitse hore tse hlokomedisang ha di hlahisi boemo ba diindasteri tsa Afrika Borwa ka botlalo. Mosebetsi wa dipuisano le ba nang le seabo o tla etswa ka selemo sa ditjhelete sa 2003/2004.
Projeke ya Twantsho ya Bofuma ya DAC, e ile ya qalwa ka 1999, e fane ka menyetla ya mesebetsi bakeng sa batho ba 2 700 le ho kwetlisa batho ba 10 000. Babetli ba bangata le dibapadi ba ile ba una molemo kwetlisong ya tsa kgwebo. Ntshetsopele ya sehlahiswa e ne e le ka sehlohong, moo qetellong dihlahiswa tsa diprojeke tse ngata di ile tsa kgethelwa Imbizo II Sebokeng sa Lefatshe sa Ntshetsopele ya ka Nako Tsohle Johannesburg ka 2002.
Ka baka la katleho ya dikonsarete tsa mmino tsa mahala tse ileng tsa tshwarwa e le karolo ya lenaneo la Mmino Dibakeng tsa Setjhaba Gauteng, Terasete ya MIDI e atolosa lenaneo ho ya diprovenseng e le karolo ya ho ketekwa ha Beke ya Mmino ka Loetse 2003. Cape Town, dikonsarete di ile tsa thabelwa hoo bongata ba tsona di ile tsa eketseha, ho tloha ho tse nne ka 2001 ho ya ho tse robedi ka 2002.
Projeke ya Boardwalk e Port Elizabeth e ile ya rekisa mesebetsi e betlilweng e jang R176 000 dikgweding tsa pele tse tharo. Projeke ya Khayalethu e Alexandra, e atlehile ho fumana konteraka ya ho fepela mabenkele a Pick n Pay ka mekotlana. Ka baka la tshebedisano pakeng tsa Khumbula-Zulu le Sothebys, babetli ba lokela ho sebetsa nako e bonahalang e tlang le hore bongata bo bong bo ka kwetliswa ho fepela tlhoko e kgolo?
Mananeo a mang a kwetliso ka tshebedisano le mekgatlo e leng ka hara indasteri a ntse a kenngwa tshebetsong. Projeke ya tsamaiso ya mmino e leng tekong e ile ya etswa Eastern Cape, Limpopo, Northern Cape le Western Cape. Provenseng ka nngwe dibini di ile tsa fuwa kwetliso ya beke ka ha tsamaiso ya kgwebo ya mmino le kwetliso. Projeke ena e ile ya kenngwa tshebetsong ke Showbusiness Foundation le Zakheni Music Trust ka (2001/2002). E bile borabonono ba ka bang 500 ba ileng ba ba le seabo lenaneong lena. Zakheni Music Trust e ntse e tswelapele ka lenaneo ka selemo sa ditjhelete sa 2003/2004.
DAC e boetse e tshehetsa South African Roadies Association (SARA) jwalo ka e nngwe ya diprojeke tsa ho bapatsa bakeng sa ntshetsopele ya tsebo. Ho tloha ka ho qalwa ha yona ka 1992, mokgatlo o ile wa ba le seabo ntshetsopeleng ya boratekginiki ba batjha ba modumo, mabone le kalana. Mokgatlo o na le ditho tse 350 tse kwetliswang le boratekginini le mananeo a phapanyetsano le France, Denmark, Holland, USA, Ireland le Norway.
INCP ha se seboka sa Cape Town feela, empa ke mosebetsi ohle, o kenyelleditseng Letona e leng lona le etelletseng pele baemedi ba INCP ho kopana le Molaodi Kakaretsowa UNESCO. Ntlha ya hore e be dinaha tse holing tse etelletseng pele dipuisano ka leano la lefatshe la setho e romela molaetsa lefatsheng. Seabo sa DAC se a qala se a bonahala ditabeng tsa setho matjhabeng mme ke sa bohlokwa. Afrika Borwa e se e le e nngwe ya babuelli ba dinaha tse holing tsa lefatshe mme re leka ho etsa hore dinaha tse ding tse holang di be le seabo ho INCP. Mohlala, Francemong ya Africa Caribbean Pacific, Afrika Borwa e ile ya fuwa bodulasetulo ba karolo ya sub-Sahara Afrika bakeng sa selemo kaofela.
Ntshetsople ya Setho le Maqhama le Matjhaba kenngwa Lekaleng la Bodulo mme Afrika Borwa le dinaha tse ding tsa SADC di ile tsa kgetha ho boetapele nakong eo ho neng ho na le Ditherisano tsa Letona Afrika Borwa, ka ho di sebedisa e le diFrancemo tsa sehloho tsa dipuisano tlwaelong ya kgatelopele ho ya ka lebatowa.?
Re hlophisitse botjha tse molemo ho rona ho phahamisa boleng bo ka fumanwang ho maqhama le matjhaba. Re se re tlohile mokgweng wa tshebetso wa kamohelo ya dinyehelo ho ya ho wa tshebedisano, e leng o dulang ka nako tsohle o le teng bakeng sa thuso ntshetsong pele. Tshebedisano ya rona ya pele, Swedish Institutional Fund e bile ntho ya bohlokwa hobane e ile ya tiisetsa ditjhelete bakeng sa dilemo tse hlano ho ya ho tse leshome mme e entse mokgwa o motle ka ho fetisisa wa tshebetso. Mokgwa ona wa tshebetso o etsa hore bobedi dihlopha di kenye letsoho letloleng le hona ho tsamaisa diprojeke mmoho. Mokgwa ona wa tshebetso o tla tiisa botsitso. Re se re sebedisitse mokgwa ona wa tshebetso mme re bile le katleho e ntle le MaFlemish, moo tshebedisano e ikamahantseng ka projeke, e leng ho lebisang kgetlo la pele ho thehweng ha mesebetsi ya nako e telele?
Re na le seabo sa bohlokwa seo re lokelang ho se nka ho NEPAD mme hore re kgone ho etsa jwalo re lokela ho beha setho ka pele le ho hlakisa bohlokwa ba diindasteri tsa setho ho bolokeng le ho phahamiseng ditho tse fapaneng. Tshebedisano ya mafapha ka tsela e jwalo e ba ya bohlokwa. Re tla boela re eketsa seabo sa Afrika Borwa mekgatlong e fapaneng hobane re sa ka ra tloha re bokelleditse ditho bakeng sa mesebetsi ena ya kopanelo bakeng sa naha, mme re hloka ho tiisa mehlodi ya tsebo ditsheng tseo re sebetsang le tsona. Tshebedisano ya makala a fapaneng ke enngwe ya tseo re tlang ho tsepamisa maikutlo ho tsonahore re tle re be le kgahlamelo diqetong tse nang le sefutho sethong.?
Projeke e ka sehlohong e tla ba ho ketekwa ha Dilemo tse Leshome tsa Demokrasi Afrika Borwa ho tla bang mose, mme e tla ba phepetso dintlheng tse kang mehlodi e teng. Re tla be re shebile dipheyo tsa mekete le ho sebetsa le Komiti ya Matjhaba ya Matona ho sebedisa monyetla ona ho phahamisa naha le ho hlahisa dintlha tse fapaneng le tse kgahlisang ka setho sa rona. Disebediswa tse ding tseo re tlang ho di sebedisa ke mekete ya matsasi a naha.?
Lefapha ha jwale le na le ditumellano tse 32 boemong ba matjhaba, ho kenyelletsa ditumellano pakeng tsa dinaha tse pedi, tsengata, dikomiti tsa kopanelo le mananeo a tshebedisano (POC). Tumellano ka nngwe ke sephetho sa dipatlisiso le dipuisano tse nkileng nako e telele ho netefatsa hore dikonteraka di ikamahanya le ntshetsopele ya mahlakore ka bobedi.
Kabinete e ile ya ananela Swedish-SA Cultural Fund e kopanetsweng, e tlang ho etsa hore Afrika Borwa e sebedisane le Sweden bakeng sa nako ya dilemo tse hlano ho ya ho tse leshome. Kakanyo ya boleng ba tjhelete e letloleng ke R30 ya dimilione ka selemo.
Kopano ya dinaha tse pedi e ile ya tshwarwa Paris ka Hlakola 2003 pakeng tsa Letona Ngubane le mphato wa lona wa LeFrance, Letona Aillagon, ho busana ka ho tiisa tshebedisano sethong pakeng tsa Afrika Borwa le France. France e ikemiseditse ho atolosa tshebedisano ho kenyeletsa tshebedisano ya mmuso le mmuso. Dibaka tse sisintsweng bakeng sa tshebedisano ke ntshetsopele ya mmaraka wa mmino bakeng sa Afrika Borwa, moralo, kwetliso bakeng sa bojalefa, bonono ba mahaheng, theknoloji ya puo ya batho, mmino le dintlha mabapi le tokelo ya kgatiso.
Ditumellano tse ntjha di ile tsa tekenelwa le Iran, Benin le Italy.
POC e ile ya tekenwa ke Peoples Republic of China ka Hlakubele wa 2002. baemedi ba Afrika Borwa ba ile ba etela naha eo ho tekenela tumellano?
Lefapah le ile la amohela mmuso wa Flanders jwalo ka karolo ya ditherisano tse boemong ba bobedi ho tiisa tshehetso ho tswa mmusong wa MaFlemish dilemong tse tharo bakeng sa ntshetsopele ya thuto le kwetliso bononong, bonono ba setjhaba le makala a bobetli KwaZulu-Natal, Limpopo le Free State.
Afrika Borwa e ile ya ba le seabo kopanong ya Sehlopha sa Matona a Setho ya pele ya African, Caribbean and Pacific (ACP) ho la Dakar, Senegal. Sepheo sa kopano e ne e le rala le ho dumellana ka Leano la Diindasteri tsa Setho tsa ACP le Maano a Setho.
Sephetho sa Sehloho sa 2: Ho phahamisa, ho fana ka mehlodi le ho tsamaisa tshebedisano ya matjhaba pakeng tsa ba nang le seabo bononong le sethong Afrika Borwa le lefatsheng.
Via Katlehong Pantsula Dancers ba ile ba ba le seabo moketeng wa motjeko.
Isizwe Art e ile ya etsa dipontsho ka mohlang ho Ketekwa Letsatsi la Tokoloho.
Thuso e ile ya fanwa ke Oppikoppi ho romela dihlopha tse pedi tsa mmino tsa Afrika Borwa ho ya nka karolo Moketeng wa Pukkelpop.
Ka tshebedisano le Ntlo ya Bonqosa ya Netherlands, thuso e ile ya fuwa Oppikoppi ho romela dihlopha tse pedi tsa mmino tsa Afrika Borwa tse bileng le seabo moketeng wa Lowlands.
Dipontsho tsa Break the Silence ka Borabonono ba Ditokelo tsa Botho di ile tsa tshehetswa.
Sehlopha sa mmino sa Siyakhula ho tswa KwaZulu-Natal se ile sa nka karolo Meketeng ya Letsatsi la Afrika Jamaica le Bahamas, mme mopheti wa dipale o ile a romelwa Jamaica ka Mmesa ho ya moketjaneng wa bapheti ba Dipale tse Qoqwang.
Sehlopha sa batansi ba Afrika Borwa se ile sa romelwa Indonesia ho nka karolo Meketeng ya Letsatsi la Afrika Borwa o neng o hlophisitswe ke Ntlo ya Bonqosa ya Afrika Borwa ho la Libya.
Kgetlo la pele sehlopha sa mmino le motjeko sa Afrika Borwa se ile sa ba le seabo Moketeng wa Matjhaba wa Rabat. Sehlopha se bile le seabo diprovenseng tse hlano tsa Morocco.
Taflberg Publishers le Skotaville Media di bile le seabo Tlhodisanong ya Dibuka tsa Matjhaba ya Dakar.
Batansi ba babedi ba ballroom ho tswa Cape Town ba ile ba fumantshwa thuso ya ditjhelete ho nka karolo Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Bompodi ba Motjeko wa Ballroom Miami.
Sehlopha sa Mmino wa Dinoto wa Bonisudumo ho tswa Springs se ile sa ba le seabo ditlhodisanong tsa Diolimpiki tsa Mmino wa Dinoto wa Newfoundland.
DAC e fane ka thuso ya tjhelete ho tlhahiso ya tlhokomediso ka Aids e bitswang FreeBirds, e ileng ya hahlaula dibakeng tsa mahae tsa Afrika Borwa.
Mokete wa beke tse tharo wa difilimi tsa Matjhaena o ile wa tshwarwa Pretoria, Cape Town le Johannesburg ka Pudungwana wa 2002.
Lefapha le ile la amohela bangodi ba supileng ho tswa Peoples Republic of China ka 2002 tlasa Lenaneo la Tshebedisano. Moifo wa baemedi ba Afrika Borwa o tla etela Peoples Republic of China ka 2003?
Tshebedisano e ile ya thewa pakeng tsa Afrika Borwa le New Zealand ka projeke ya Bonono kgahlano le Botlokotsebo.
Afrika Borwa e ile ya tshwara Kopano ya Bohlano ya Matona ya Marangrang a Matjhaba mabapi le Leano la Setho ho tloha ka la 14 15 Mphalane 2002 Cape Town. Kopano e ne e kentswe ke dinaha tse masome a mabedi le motso o le mong, UNESCO e le molekodi?
Puisano ya seboka sa ditho tse fapaneng e ile ya ananelwa bakeng sa lenanetaba la Kopano e Akaretsang ya UNESCO ka Loetse wa 2003. Bahlanka ba DAC ba ile ba ba le seabo dikopanong tsa sehlopha sa tshebetso tsa INCP Norway le UK ho lokisetsa Kopano ya Matona, le ho tshwara kopano ya sehlopha sa tshebetso Johannesburg ka Motsheanong 2002. Afrika Borwa le Senegal di etelletse pele diphuputso ka kopanelo bakeng sa INCP bakeng sa ho hlahisa pokelletso ya tsa molao le ditjhelete tse tshehetsang bojalefa naheng ka bophara le matjhabeng , tokelo ya ho etsa jwalo e ile ya fumanwa Kopanong ya Matona Cape Town ka 2002.
Lefapha le bile le seabo Kopanong e Akaretsang ya UNESCO ka 2002 le Dihlopheng tsa Tshebetso tsa Bojalefa le tshwara dikopano bakeng sa tshireletso ya bojalefa bo nang le boamo. DAC e boetse ya ba le boemedi kopanong ya bohlano tsa tshebedisano pakeng tsa Japan le Afrika Borwa mme kopano ya pele ya ACP ya Matona a tsa Setho Dakar, Senegal.
Moifo wa batho ba hodimo ho tswa Sweden o emetseng Kabinete ya Sweden o ile wa etela Afrika Borwa ho tloha ka la 24 ho ya ho 26 Hlakubele 2003, ho tla lekolwa Koporasi ya Ntshetsopele ya Matjhaba ya Sweden. Afrika Borwa e ile ya thonngwa e le naha eo ho yona Tekolo e lokelang ho etswa, ka baka la tshebedisano e ntjha e ntseng e thehwa ka kopanelo ya Letlole la Setho la Sweden/Afrika Borw.
Moifo wa DACo ile wa etela Norway ka Pudungwana 2002 ho hlwaya dibaka tseo ho ka sebedisanwang ho tsona, le ho buisana ka bokamoso ba Letlole la Mmino Music.
Moifo wa DAC o ile wa ya Italy ka Pudungwana 2002 ho ya etsa metheo bakeng sa Lenaneo la Tshebedisano pakeng tsa Afrika Borwa le Italy.
Moifo wa Afrika Borwa o ile wa etela Belgium ka Pherekgong 2003 ho ya hlahloba ho thehwa ha lenaneo le letjha la ho ralwa ha Leano la Bonono le Setho boemong ba mmuso wa lehae.
Moifo wa Flemish o ile wa etela Afrika Borwa ka Hlakubele 2003 ho tla phethela projeke ya tshebedisano ntshtsopeleng ya leano e bitswang Local Network Cultural Policy Project. Projeke e tla sebetsa dibakeng tsa selehae diprovenseng tse tharo, Free State, Limpopo le KwaZulu-Natal. Projeke e reretsweng ho hlahisa mokgwa wa ho tsamaisa leano la bonono le setho la selehae.
Ketelo bakeng sa ho etsa diphuputso ho ya Hungary e ile ya qalwa ho sheba dibaka tse ntjha tsa phapanyetsano. Le ha e le hore ho ne ho na le Lenaneo la Tshebedisano le neng le se le le teng, ke dibaka tse mmalwa tsa tshebedisano tse ileng tsa shejwa. Moifo o ne o theuwe ka bahlanka ba DAC, Technikon Pretoria le Lefapha la Bonono le Setho la Provense ya Mpumalanga.
Ketelo ya Caribbea (Jamaica, Trinidad le Tobago, St Kitts le Nevis, Guyana le Cuba) e ile ya etswa ke Lefapha la Bonono le Setho e le boikitlaetso ba ho tiisa maqhama pakeng tsa merero ya setjhaba le poraevete. Mohopolo e ne e le ho bona menyetla ya phapanyetsano ya tsa setho le monyetla wa mmaraka bakeng sa diindasteri tsa setho le ho fuputsa ka ha kgonahalo ya mokgwa wa tshebetso wa diphapanyetsano sa seho le ditumellano tsa tlhahiso e kopanetsweng le dinaha tsa Caribbea.
Nakong ya mokete wa Ditho tse Fapaneng Canberra, Australia, dikopano di ile tsa tshwarwa le bahlanka ba mmuso ho buisana ka dibaka tse ka gonahalang bakeng sa tshebedisano le phapanyetsano ka tsa setho.
Bahlanka ba babedi ba Lefapha la Bonono le Setho ba ile ba kgethwa ho ba le seabo Bohahlaoding ba Diphuputso ka Setho sa Batjha bo ileng ba tshwarwa ke mmuso wa Taiwan. Sepheyo sa bohahlaodi ba diphuputso e bile ho theha kopano pakeng tsa baemedi ba 80 ba dinaha tse fapaneng le ho ithuta ka Taiwan.
Ka hara naha, dipuisano di ile tsa tshwarwa le molaodi wa dibaka tsa setho tsa For a mose ho qala tshebedisano ya mmuso. Kopanong pakeng tsa Goethe Institute, DAC le bongata ba ditsha tsa setho, di ile tsa dumellana hore Sethsa se tla kena tumellanong ya nako e kgutshwane ho ya ho e bohareng le DAC kapa NAC ho phahamisa dibaka tseo kgahleho e tshwanang ho tsona. Dikopano tse ngata di ile tsa boela tsa tshwarwa le Pro Helventia Liaison Office ya Afrika Borwa ho etsa motheo bakeng sa tshebedisano mabapi le ho kopanngwa ha diprovense tsa Afrika Borwa le dibaka tse tlasa Switzerland bakeng sa 2003.2004.
Ho netefatsa hore bojalefa Afrika Borwa bo hlahisa dinako tse fetileng tse ruileng ka ho fapana ke e nngwe ya dintlha tseo DAC e shebaneng le tsona. Ho boloka bojalefa le ho lokisa diphoso tsa ka nako e fetileng ho bojalefa ke dintlha tsa bohlokwa tsa mosebetsi ona.
Jwalo ka mokgatlo o thehuweng ka molao Setsha sa Mehlodi ya Bojalefa sa Afrika Borwa (SAHRA) se ikarabella ho Letona ka ho otloloha.
Akhaevae ya Naha di netefatsa hore bojalefa ditsheng tsa naha bo hlophisehile hantle, bo ntsheditswe pele le ho tsamaiswa hantle. Bo sebediswa ke mafapha a mmuso, Diakhaeve ke mohlodi o moholo wa bafuputsi, ba ralang maano le ba nang le seabo mme ke ditsha tsa bohlokwa ho sireletseng mehopolo ya setjhaba le ditokelo tsa ho ba le setsha ha baahi ho fihlella tsebo.
Tshebeletso ya Naha ya Dilaeborari, tse thehuweng ka letoto la mehlodi ya bohlokwa ya laeborari di netefatsa hore bojalefa ba naha ho tsa tshebediso ya kelello bo a fihlelleha ho bohle baahi ba Afrika Borwa.
Biro ya Matshwao a Naha e ikarabella ho ngodiseng matshwao a mmuso ho kenyeletsa le matshwao a setjhaba le dikgau.
ho ngodisa kabo ya dikgau, mabitso , mabitso a ikgethang le diyunifomo tsa mekgatlo le ditsha.
Ntlheng ya diprojeke tsa tlwaelo ho kgutlisweng ha Sarah Baartmann e bile ketsahalo e etsang pale. Bolaodi bo ka Sehlohong bo bile le seabo se seholo ho kgutlisweng le neketeng ya ho phuthelwa ha masapo a hae Sarah Baartmann. Ho ya ka Khanxelel ya Mabitso a Naha a Afrika Borwa re ile ra fihlella tse ngata mabapi le pokelletso nanheng ka bophara le ho fumantshwa tshebeletso ya elektroniki e ileng ya fokotsa tshallomorao ya mabitso a 57 000.?
Hlakoreng la bojalefa bo se nang boamo teng re qadile merero e hlahellang moralong wa 2002. Re ile ra sebedisana le ba thutso e phahameng ho qala e meng ya merero ya teko.?
Mabapi le dibaka tsa bojalefa re ne ntse re bua ka ntjhafatso. Re kgonne ho batla tjhelete bakeng sa ntjhafatso bakeng sa 2002/03 ho ya pele. Dintlha tsa sehloho tse lokelang ho phethwa (KPIs) di ile tsa hlahiswa tse ileng tsa etsa hore ho nkuwe qeto ka diprojeke tse lokelang ho etswa. KPIs tsena di ne di ntjhafatsa haholoholo ho latela ntshetsopele ya basebetsi, dipontsho tse bontshang phapang e teng ya batho ka hara Afrika Borwa, dipuo tse ngata tse buuwang le ho sebediswa ha diphapang dipuong. Re boetse re ntse re leka ho ntlafatsa phihlello mme e nngwe ya disebediswa tse ka sebediswang ho netefatsa phihlello ya tsebo le tsebiso ke hore e lokela ho fumaneha ka puo ya e sebediswang moo ditsha tsena di leng teng. Ditsha di ile tsa boela tsa kotjwa ho sheba dipuisano tse mabapi le tsosoloso ya boitsharo le HIV/Aods, le seabo sa setjhaba, ho netefatsa hore di fihlella mehlodi ya setjhaba, mohlala, mekgwa ya tsebo ya tsa ka hare ho naha. Re tshepa hore ka tsela ena ditjhaba di tla hohelwa ho sebedisa ditsha tsena. Re tla beha tshebetso leihlo ha merero ena e ntse e tswelapele ka morero wa ho fumana tsebo ka mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa nako e tlang.
Re hlwaile menyetla e meng Tokomaneng ya Nakwana ya Bonono, Setho le Bojalefa. Mokgwa oo ka ona re sebetsaneng le tekanyetso ya ya ntjhafatso, ho tea ka mohlala, o bontsha hore leano le ka ntshetswapele. PFMA e tlisitse phetoho tikolohong ya ditsha. E hloka hore ditsha kaofela di fane ka pehelo le diakhaonte bakeng sa tekanyetso tsa tsona. Sena se ntlafatsa taolo, mme ha se thibele boiqapelo, hoo bolelang hore moralo wa bona wa ho iketsetsa ha o amehe empa ba jara boikarabelo. Ha re sheba tlwaelo ya diprojeke, boiphlenaneo bo re bontsha hore Lefapha le hloka makala a sethaba ho kenya diprojeke tsena tshebetsong ho ya ka moralo wa leano o hlakileng, hore re kgone ho eketsa tshebetso.
Ntlha e reretsweng ho fihlellwa ke ho hlahiswa ha leano le mabapi le ho sheba morao. Ho na le dipuisano boemong ba naha ka dintlha tse ngata, mohlala ho patwa ha batho bao e bileng mahlasipa a dithulano le hore Afrika Borwa e sebetsana jwang le sena. Re tla boela re sheba ho eketswa ha sekgahla sa tshebetso diprojekeng le ho faneng ka monyetla setjhabeng wa ho ba le seabo. Re boetse re sheba maqhama a rona le ditsha tsa bojalefa, mohlala ho eketswa ha bokgoni ba tsebo ya mosebetsi, merero ya diprojeke le ho ngolwa ha ditshisinyo bakeng sa diprojeke tsa ditsha tseo.?
Lefapha le tla boela le kgothalletsa bojalefa bo se nang boamo, ho ya ka ditlwaelo tsa matjhaba. Bojalefa bo se nang boamo bo ile ba se natswe ka nako e telele lefatsheng ka bophara, le seabo sa Afrika Borwa ho etsweng ha tumellano e tlang ho sireletsa bojalefa bo se nang boamo. Bojalefa bo se nang boamo e tla ba sesebediswa ho latela ntshetsopele, ho etswa ha lekeno, ntjhafatso ya boitshwaro le bohahlaodi.?
Ka mora dilemo tsa ho sebetsa ka ditokomane tsa ditumellano, Afrika Borwa e fihlile moo e seng e tla ba e nngwe ya dinaha tse tekenetseng selekane tsa seboka sa UNESCO mabapi le ho latwa ntle le ho romelwa ntle ho seng molaong ha thepa ya setho, tumellano ya tshireletso ya thepa ya setho moo ho na le ntwa ya dibetsa, ha mmoho le tumellano ya botho ho Sethsa sa Matjhaba sa Diphuputso mabapi le Poloko le Ntjhafatso ya Thepa ya Setho (ICCROM). Palamente ya Naha le Khantshele ya Naha ya Diprovense (NCOP) di ile tsa ananela ditokomane ka Pudungwana wa 2002. ditokomane tsa tukmellano di ile tsa fetisetswa Lefapheng la Ditaba tsa Kantle ho Naha (DFA) ho tekenwa le ho fuwa Molaodi Kakaretsowa UNESCO. Tumellano tsena e tsa hore ho be le boikarabelo hlakoreng la Afrika Borwa boemong ba matjhaba ka kakaretsole lekaleng la bojalefa ka ho qolleha, mme di etsa hore ho be le menyetla e mengata ya kwetliso le marangrang boemong ba lefatshe.
Maano a mabapi le ho kgutliswa ha masapo a batho, ho hlapiswa ka matshwao le ho etswa ha dibaka tsa sehopotso ho ba tsa poraevete a se a radilwe mme a tla boela a ntshetswapele ka dipuisano le setjhaba le ba nang le seabo ho tlang ho etswa ke Khansele ya Bojalefa ba Setjhaba e sa tswa thehwa (NHC).
Nako ya bolaodi ba dikhansele tse laolang ditsha tse robong tsa bojalefa ba setho bo phatlaladitsweng le ditsha tse tshwanang le tsonae fihlele pheletsong ka la 31 Hlakubele 2003. Kgweletso ya ho kgetha ditho tse ntjha tsa khansele e ile ya etswa masedinyaneng ka dipuo tse tsheletseng tsa semmuso mme moifo o ile wa thonngwa ho eletsa Lefapha ka ho hirwa ha bonkgetheng ba thontsweng. Ditho tsa khansele bakeng sa ditsha tse leshome e ile ya hirwa. Mofuta wa ba nang le seabo, boemedi ho latela tsebo ya mosebetsi dikgeong tsena tse ntjha tsa khansele bakeng sa lekala la bojalefa di bile ka mokgwa o nepahetseng bakeng sa taolo e loketseng, bakeng sa ho kenya ka botebo ntjhafatso ya lekala le ho tshehetsa tsa bohlokwa tshetsopeleng ya naha.
Khansele e ntjha ya Bojalefa ba Naha (NHC) e ile ya thonngwa mme e ile ya behwa semolao ka Phato 2003. sehlopha sena se ile sa thusa Lefapha ho tsamaiseng ho kenngwa tshebetsong le ntshetsopeleng ya leano la mekgatlo e meng e mengata lekaleng la bojalefa. NHC e tla phethela ntshetsopele ya maano a hlalositsweng ka hodimo le ho eletsa Lefapha ho kenngweng tshebetsong ha ona.
Mokgwa wa ho theha dibaka tsa bolaodi ba mehlodi ya bojalefa diprovenseng (PHRAs) o ile wa fuwa matla ke seboka sa boitjhoriso se neng se tshwerwe ke Lefapha ho tshehetsa Setsha sa Mehlodi ya tsa Bojalefa sa Afrika Borwa (SAHRA) le mafapha a diprovense ka mosebetsi ona. Ho latela seboka sa boitjhoriso, PHRA di ile tsa thehwa diprovenseng tse nne, moo provense e le nngwe e ile ya etsa kgweletso ya dikgetho mme tse tharo tsona di sa ntsane di tla phethela mosebetsi wa tsona.
Leafpha le fane ka tjhelete e kalo ka R6,5 ya dimilione bakeng sa ntjhafatso ya ditsha tsa bojalefa. Sephyo sa tekanyetso ke ho thusa ditsha ho etelapele ntjhafatso le ho ba diemahale tsa bokgabane dintlheng tse mabapi le mosebetsi wa tsona wa sehloho. Moifo o ile wa kopanngwa ke Letona ho eletsa Lefapha ka hore ho ka ntshuwa tjhelete e abuweng jwang. Ho ditsha tse 15 tsa naha tsa bojalefa, ho bile le tse robong tse ileng tsa etsa kopo ya thuso ka ditjhelete, mme tse nne di ile tsa fumantshwa thuso eo. Ditsha tsena di tla etsa diprojeke tse tlang ho shebana le boemo ba dipuo tse ngata, tlhokomediso ka Aids, ho hlahiswa ha dipontsho tse ntjha tse tlang ho emela mefuta e fapaneng ya sejthaba sa Afrika Borwa, ho kgutlliswa ha mesebetsi ya bonono ya Afrika Borwa, ho etswa ha mananeo a tshebedisano pakeng tsa ditsha tsa bojalefa, mananeo a tshehetso a thuto le ho theha letoto la mabitla a mahlatsipa a merusu. Selemong sa ditjhelete sa 2003/2004 ho na le R8,3 ya dimilione e tlang ho sebediswa bakeng sa ntjhafatso e reretsweng dintlha tse amanang le ntshetsopele ya basebetsi, ntshtsopele ya mamedi le ho ntjhafatswa ha disebediswa tsa dipontsho.
Dipontsho tsa Freedom to Freedom ke projeke e kopanetsweng ke mebuso ya Afrika Borwa le Canada; e dotsja tsa bojalefa. Dipontsho di shebane le histori e telele ya ditherisano pakeng tsa batho ba ditho tse fapaneng Afrika Borwa, ho tloha ho bopaki ba kgale ka ho fetisisaba ho ba teng ha batho dikarolong tsa kontinente ho tla fihla nakong ya Afrika Borwa ya ka mora kgethollo. Dipontsho tsa tse bonwang ka mahlo di tla hlaha mesebetsing ya matsoho, tsa setho, ditokomane le boqolotsing ba ditaba tse mamelwang le ho bonwa ho etsa hore baeti ba be le boiphlenaneo ba ho keteka moya wa tokoloho o fumanehang Molaong wa Motheo wa Afrika Borwa. Lefapha le ntshitse ditjhelete bakeng sa ntshetsopele ya mohopolo ona, moralo wa dipontshole ntshetsopele ya mananeo a thuto. Dipontsho di reretswe ho thakgolwa Cape Town sebakeng se bitswang Castle ka Hlakola 2004.
Tlasa Diprojeke tsa Molao, letoto la diprojeke tsa dimusiamo di ile tsa qalwa, e kgolo ka ho fetisisa ho tsona e bile Freedom Park Project. Dimusiamo tse ntjha di tla ntshetsapele morero wa ho ntlafatsa boemedi ba lekala la bojalefa ka hara naha.
E ile ya nyollwa ke keketseho kabong ya MTEF, kgatlelo pele e ile ya etswa ka moralo wa disebediswa le tlhahlobo ya sekgahla tikolohong. Tlhodisano ya moralo ya matjhaba e ile ya bulwa, meralo e tla kgethwa le ho fana ka tlhahlobo ka Pupu 2003. Ka la 16 Phupjane 2002, mokete wa ho bulwa semolao o ile wa tshwarwa ke Mopresidente Setsheng sa Bojalefa sa Freedom Park, Salvokop, Pretoria.
Selemong se fedileng masapo a Sarah Baartmann a ile a kgutliswa ho tswa France ka mora ditherisano tse nkileng nako e telele. Sehlopha sa boikopanyo se ile sa thehwa ho eletsa Lefapha ka mokgwa wa ho boloka masapo a hae ka la 4 Phato 2002. Ho ile ha qalwa ka ho dumellanwa ka mokete wa ho phuthelwa ha ona ho kgutkisetsa seriti sa hae ka mora ho bontshwa a tsotse le ho sebediswa bakeng sa diphuputso tsa saense. O ile a bolokwa ka mora moo tshebeletsong ya setjhaba ka la 29 Phato 2002 (Letsatsi la Basadi) Hankey ho la Eastern Cape. Mopresidente o ile a phatlalatsa sebaka seo e le sa naha sa bojalefa. Lefapha le sebedisane le provense, masepala le SAHRA ho hlahisa moralo wa tsamaiso bakeng sa ho hlokomelwa ha lebitla la hae le ileng la senyeha ka baka la pula tse matla tse ileng tsa tsoloha sebakeng seo.
Lenaneo la sehopotso sa Ntwa ya Manyesemane/Maburu ya Afrika Borwa le ile la qalwa ka 1999, la qetellwa e le ho tekenelwa ha Selekane sa Kgotso sa Vereeniging ka la 1 Phupjane 2002, ho ileng ha kenyelletsa tshepiso botjha ya Sehopotso sa Naha sa Ntwa ya Manyesemane/Maburu ya Afrika Borwa, le ho hlahiswa ha lejwe le ngotsweng la sehopotso.
Ka selemo sa 2002 ho bile le seboka KwaZulu-Natal se mabapi le seabo sa batho ba batsho Ntweng eo, ho hlwauwa ha dikampo tsa batshwaruwa moo batho ba batsho ba neng ba tshwerwe teng, le ho sehopotso sa Ntwa ya Holkrans/Mmthashana ho la Vryheid, KwaZulu-Natal ka la 5 Motsheanong 2002.
Ho thehwa ha Khansele ya Mabitso a Dibaka Afrika Borwaka 1999 ho ile ha fana ka lehae la setsha bakeng sa bakeng sa mosebetsi wa ho fetola mabitso a dibaka ka hara nahaho bontsha demokrasi e ntjha. Mosebetsi wa Khansele o kenyelletsa ho hlahloba mabitso bakeng sa mongolo o nepahetseng le ho etsa diphuputso mabapi le sesosa sa lebitso ho latela nalane ya lona. Ka baka la tshallomorao ya mabitso a 57 000 a teng, Khansele e tla sebetsa ho netefatsa hore e be e fedile ka 2005. Ho etsa mosebetsi ona, polokelo e kenelletseng ya mabitso ana dibaka e ile ya etswa.
Ho tsamaiswa le ho behwa leihlo ha mabitso a dibaka tsa naha.
Ho bolokwa ha mabitso a matjha polokelong ya naha ya mabisto a dibaka.
Ho beha leihlo le ho tsamaisa kgatelopele ho ya ka dikopo.
Kemedi ho latela meedi ya sebaka ya mabitso ka hara polokelo.
Tsamaiso ya dipehelo tsa tsebiso.
Ntlafatswo ya polokelo le kananelo ya yona ka tshebediso ya dikhompuyuta.
Phihlello ya bangodi ba koranta ya mmuso.
Phuputso ya bophara le bolelele ho hlophisa phetolelo ya hona mongolong.
Pehelo le tlalehelo ya baikopedi.
Mabitso a latelang a ile a fetolwa selemong se fetileng sa ditjhelete.
Ka 2003/2004 Lefapha le ile la tswelapele ka ho tshehetsa Zindala Zombini, e leng Mokete wa Selemo ka Seng wa Motjeko le Mmino tlsa African Heritage Trust. Mokete ke moyetla wa ho bontsha le ho phahamisa motjeko le mmino o ruileng le wa lehae wa Afrika Borwa. Mokete o na le ditlhodisano tse 22 tsa lebatowa le tse robedi tsa provense tse qetellang e le tsa Mokete wa Naha. O kenyelletsa batjeki le dibini tse 600 mekgahlelong e 28.
Lefapha, ka Akhaevae ya Naha, le ile la fana ka tshehetso ho African Heritage Trust ho tlhahisong ya direkoto tsa seelektroniki tsa diakhaeve e le karolo ya teko ya Boikitlaetso ba Diakhaeve tsa Selehae tsa Setho (ICA). Morero wa projeke ke ho hlahisa disebediswa tse tlang ho ba le seabo ho sibollweng botjha ha setho le bojalefa ba naha bo nononneng ka ho theha mesebetsi ya ho bokelletsa, ho rekota, ho pakela, ho boloka ka seelektroniki le ho ntsha dintlha bakeng sa tsebiso, thuto, polokelo, kgothalletso le mabaka a thekiso.
Selemong se fedileng, Letona le ile la ananela tshehetso ya ditjhelete bakeng sa diphupuso mabapi le mmino wa selehae le Dipale tse Qoqwang tsa nalane tse ileng tsa etswa ke diyunivesithi tse tharo tse neng di tinngwe menyetlatsa Afrika Borwa, e leng Fort Hare Eastern Cape, Zululand KwaZulu-Natal le Venda Limpopo. Diyuivesithi tsena di tla etsa diphuputso ka dintlha tsohle tse amanang le mmino wa setsho, ho kenyelletsa ho hlahella kalaneng, diletswa le pale ka nalane e tsamayellanang le karollo ena e neng e sa kgathallwa ya bojalefa ba rona, e nngwe ya yona e bile e le kotsing ya ho nyamella sa ruri.
Dipale tse Qoqwang ka nalane e bile ntlha ya sehloho ho fetoleng dintlha tse ka hare ho Diakhaeve. Ka 2000 re ile ra qala ka lenaneo la Histori ya Dipale tse Qoqwang tsa Naha ka projeke ya teko le kwetliso ya basebetsi ba Diakhaeve ka mekgwa ya ho bokelletsa histori ya Dipale tse Qoqwang. Ka nako yona eo moifo wa ditsebi o ile wa thonngwa ho eletsa Letona ka tsela le ho fana ka tataiso hore na Histori ya Dipale tse Qoqwang di ka tsamaiswa jwang. Ha jwale ho na le diprojeke tse ka bang 20 tseo Lefapha le di tshehetsang ka ditjhelete, mme ditholwana tsa diprojeke di tla ho Diakhaeve mme di a rekotwa ho National Register of Oral Sources (NAROS), ho etsang hore tsebiso e fumanehe ha bobebe. Akhaeve ya Naha e ile ya thakgola websaete ya yona selemong se fedileng mme re ntse re tswelapele ho ntlafatsa tshebetso ya tsebiso ya teknoloji.?
Re thehile lekala la phihlello mme sekgeo sa morero ona se ile sa thewa. Re ntse re hlahisa leano la phihlello le sebetsang ntle le ho qholotswa ke letho mme le hohelang bana ba sekolo le ba sa tswa qeta dikolong ho mosebetsi wa diakhaeve. Diakhaeve tsa Difilimi, Dividio le Modumo di memela batho ho tla iphumanela disebediswa tsa diakhaeve, mohlala, dipontshong tse ikgethang. Ho tea ka mohlala ka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho (21 Hlakubele) ba ile ba bontsha ho moo ho neng ho tletse teng Thembisa. Ka merero ena baahi ba Afrika Borwa ba se ba qala ho hlokomela hore re na le ntlo ya letlotlo Pretoria.?
Karolong ya 5 ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho hlaloswa hore Diakhaeve di mahetleng a diprovense. Ho etswa ha diakhaeve ho ba boikarabelo ba diprovense ke projeke e kgolo. Diprovense tse tharo, Free State, KwaZulu Natal le Eastern Cape di se di di entse tsa tsona. Ho na le diprovense tse hlano tlasa mmuso o motjha tse seng di qadile qalong, e leng Gauteng, Northern Cape, Limpopo, North West le Mpumalanga. Ke mosebetsi wa Akhaevae ya Naha ho netefatsa hore diakhaeve tsa diprovense di a thehwa. Ho ka sehlohong ho rona hore re hlahise bokgoni ba diakhaeve diprovenseng.?
Ka 1999, Afrika Borwa e ile ya kotjwa ho tshwara Round Table of the International Council of Archives ka Phato 2003. Kopano e tla tshwarelwa Cape Town mme ke projeke e kgolo bakeng sa 2003/2004. Afrika Borwa e tla hlahella e le ka sehlohong dipuisanong, haholoholo mabapi le ho kenngwa ahaeveng ha ditokomane tsa Komishene ya Nnete le Poelano. Projeke ya ho etsa diakhaeve tsa provense ke e kgolo ka ho fetisisa mme ke ya ka nako e telele, e kopaneng le projeke y a ho ahwa ha bokgoni ba diprovense.?
Mananeo a phihlello a ntse a ilo eketswa, mme projeke ya Nalane e Qoqwang e tla nne e tswelepele hobane ho na le dintlha tse ngata tse e song ho kenngwe ditokomaneng. Dikgau tsa tlatsetso tsa naha di tla tsebiswa selemong sena mme re tla sebeletsa ho etseng hore ba polokelo ya matshwao a naha re ba etse hore e be mohopolo o foketsehileng hore e be wa matswantle empa re o etse wa Afrika ka moo re ka kgonang ka teng.?
Nakong ena e ntseng e lekolwa, batho ba 212 ba ile ba etela Akhaeve ya Naha. Ho baeti bana, 77 e ne e le baithuti ho tswa ditsheng tsa thuto tse kang J. Kekane Secondary School, University of South Africa, Rand Afrikaans university, Universith of the Witwatersrand le Pretoria University. Baeti ba bang ba ile ba kenyelletsa basebetsi ba Lefapha la Phumantsho ya Matlo, baahi ba tswang Iran, Egypt le Canada, bafuputsi, matitjhere le barupelli. Jwalo ka karolo ya leaneo la ho fihlela dihora tsa diphaposi tsa ho balla Moqebelong ka mong wa boraro wa kgwedi di ile tsa eketswa.
Mananeo a phihlello a ile a etela dikolo metseng e haufi le Pretoria ho ya ruta baithuti le matitjhere ka bohlokwa ba diakhaeve setjhabeng sa rona. Diketelo tsena e ne e le karolo ya lenaneo la phihlello ho phatlalatsa diketsahalo tsa Diakahaeve bathong aba Afrika Borwa.
Barupelli ba Mamelodi ba ile ba mengwa ho etela Diakhaeve mme barupedi ba 15 bao e leng karolo ya komiti ya maqulwana a histori e ile ya tla.
Ka mora diketelo tse mmalwa dikolong tsa Soshanguve, basebetsi ba Lenaneo la Phihlello ba ile ba memelwa kampong ya histori e neng e hlophisitswe ke baithuti le matitjhere Roodeplaat. E ne e le baithuti ba ka bang makgolo a mararo ba neng ba le teng kampong. Basebetsi ba phihlello ba ile ba fana ka puo ka ha ditshebeletso le mesebetsi ya Diakhaeve. Baithuti ba ile ba nka karolo, ba botsa dipotso tse ngata.
Biro ya Matshwao a Naha e phahamisa le ho kgothalletsa tlhompo le kutlwisiso ya matshwao a naha. Biro e fana ka ditshebeletso tsa ngodiso bakeng sa matshwao ohle a mmuso le dibetjhe, le ho sebetsana le letoto la dipotso ka selemo tse mabapi le matshwa a naha a Afrika Borwa. Selemong sena se lekolwang, Biro e ile ya atleha ho hlahisa le ho tsebisa matshwao a mararo a matjha a dikgau tsa naha, tse ileng tsa fanwa ke Mopresidentse kgetlo la pele ka Tshitwe wa 2002.
Dikgau tse tharo tsa naha di ile tsa fanwa ke Mopresidente Thabo Mbeki ho baahi le baeti ba matjhaba ba di loketseng moketeng o neng o le ka la 10 Tshitwe 2002. Dikgau tsa naha ke tsona tse ka sehlohong tse ka fuwang motho wa Afrika Borwa kapa baetapele le batho ba hlahelletseng ka mahetla matjhabeng bao Afrika Borwa e lakatsang ho ba tlotla.
Kgau ya Mapungubwe e fuwa moahi wa Afrika Borwa bakeng sa ho fihlella le ho fumana tse kgabane.
Kgau ya Baobab e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba faneng ka ditshebeletso tse kgabane le tse sa amaneng le mosebetsi oo ba o etsang. E fanwa bakeng sa bokgabane ntweng bakeng sa demokrasi le ditokelo tsa botho, kaho ya setjhaba le phano ka ditshebeletso setjhabeng, kgotso le polokeho.
Kgau ya Metswalle ya OR Tambo e fuwa dihloho tsa mebuso le batho ba bang bakeng sa ho kgothalletsa kgotso, tshebedisano le setswalle le Afrika Borwa.
Akhaeve ya Naha ya Malawi e ile ya mema Akhaeve le Ditshebeletso tsa Direkoto tsa Afrika Borwa ho thusa ho thehweng ha Projeke ya Histori e Qoqwang. Ho eketsa moo e le karolo ya kaho ya bokgoni ba diprovense, ho ile ha etelwa Diakhaeve tsa Umtata ho ya hlahloba dikateng le ho thusa ka ditlhophiso tsa ho fetela moahong o mong.
Ditshebeletso tsa Poloko di etsa mesebetsi e kang ho boloka, ho tlama, ho kenya polokelong ya elektroniki, ho etsa difilimi tse nyane le tsamaiso ya koduwa. Di boela di fana ka tataiso ya setekiniki bakeng sa mesebetsi e kang dipontsho, taolo ya tikoloho, poloko ya ditokomane, dikadimo le tlokomelo ya sebaka ka kgutsufatso.
Projeke ya ho Rekota ka Mokgwa wa Dijithale (DISA) ha jwale ho ntse ho tswelapele mme Akhaeve ya Naha ke bobedi setho le sebaka sa polokelo se thoko. Maqephe a tshwantshisitsweng (scanned) a kentsweng didisking, tse romelwang ntlokgolo ya DISA. Kaofela ke dikoranta tse 80, ka Peresente ya palohare ya maqephe a ka bang 18 koranta kang, a ileng a tshwantshiswa.
Akhaeve ya Naha e na le seabo Projekeng ya Kantoro ya Mopresidente ho boloka dingolwa tsa Timbuktu. Lenaneo la poloko ya dingolwa tsena le ile la ngolwa mme ditshisinyo ka ha projeke di ile tsa etswa ho Letona E Pahad la Kantoro ya Mopresidente ha mmoho le Motlatsi wa Letona Mabandla.
Ka Akhaeve ya Naha ya Afrika Borwa, naha e tla thusa Mali ka ho bolokwa ha mehlodi e babatsehang ya mahlale a kelello a Afrika, e leng Dingolwa tsa Timbuktu. Ditokomane tsena tsa kgale ke karolo ya bojalefa ba Afrika le ho fana ka tsebiso mabapi le histori le bojalefa ba setho ba kontinente.
Dingolwa di ngotswe ho tloha ka mongwahakgolo wa 13, mme di ngotswe ka puo ya Arabic. E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa ya dingolwa ke hore di supa tlwaelong ya ho sebedisa dingolwa polokong ya bojalefa, ho eketsa ho tlwaelo tse matla tsa puo tseo kontinente e tsejwang ka tsona.
Kaha di ngotswe leqepheng le bobebe, tse ding tsa dingolwa di se di bontsha ho senyeha, mme boitsebolo ba Afrika Borwa polokong ya disebediswa tsa bojalefa ka mokgwa o jwalo bo a hlokeha. Basebetsi ba Akhaeve ba tla arolelana boitsebolo ba bona le bomphato ba bona ba Milan jwalo ka projeke e theuweng ke NEPAD. Ditokomane tsa pele tse ileng tsa bolokwa di ile tsa nehelanwa ke Mopresidente Thabo Mbeki ho Mopresidente wa Rephaboliki ya Mali ka 2002.
Akhaeve ya Naha e na le seabo projekeng ya twantsho ya bofuma, e tlang ho kwetlisa setjhaba ka poloko le mekgwa ya ho etsa mabokose. Sena se entswe ka tshebedisano le Musiamo wa Pilgrims Rest le Yunivesithi ya Witswatersrand?
Ka 2002/2003 Ditshebeletso tsa Afrika Borwa tsa Direkoto tsa Akhaeve di ile tsa fana ka thuso ya ditjhelete ho diprojeke tse 20 tsa histori e qoqwang ka molomo.
Ditheibole tse latelang di hlakisa tlhophiso le tlhaloso ya mesebetsi ya Akhaeve ya Naha.
Masepala wa Atteridgeville 20,00...
K38 (Komeshene ya Diphuputso mabapi le Bammala Kapa, jwala) 00,30...
K32 (Komeshene ya Diphuputso mabapi le Merusu ya Johannesburg) 00.50...
Mongodi wa Poraevete, Letona la Bophelo le Thekolohelo 25,00...
Lekgotla la Molao wa Motheo 165,00...
Tshebetso ya Mekgatlo e Mengata ya Ditherisano 105,00...
Lenane la Diforomo tse Tlatsitsweng Lenane...
Lekala la Provense ya Transvaal, Thekiso ya Mobu 1161...
Lekgotla le Bohareng la ho Kgaolwa ha Lenyalo, Johannesburg 5701...
Ditshebeletso tsa Setjhaba, Kantoro ya Lebatowa, Johannesburg 11 455...
Bophelo bo Botle le Thekolohelo ya Naha 2757...
Lefapha la Toka, Dikampo tsa Batshwaruwa 886...
Diforomo tsa dintlha tse lekotsweng 11525...
Tsebiso ka yona (tsebiso ka tsebiso) ke ntlha ya bohlokwa naheng bakeng sa ditshebeletso tse itseng tsa laeborari le tsebiso (LIS). Selemong se ntseng se lekolwa, Lekala la Ditshebeletso Tsebiso ka Tsebiso le ile la tshela ho tloha Lefapheng la Saense le Theknoloji ho tla ka Lefapheng la Bonono le Setho. Mokgwa wa naha wa tshebetso e mabapi le tsebiso ka tsebiso Afrika Borwa o na le mefuta e mengata e fapaneng ya dilaeborari le mekgatlo e meng ya tsebiso mme o laolwa ke moralo wa semolao. Mekgatlo ena e na le seabo ho bokelletsweng ha mehlodi ya disebediswa bakeng sa LIS, e leng se etsang hore mefuta e meng ya dilaeborari e fane ka ditshebeletso tsa tsebiso setjhabeng.
Ditshebeletso tsa Tsebiso ka Tsebiso di reretswe Laeborari ya Naha ya Afrika Borwa (NLSA), Laeborari ya Afrika Borwa bakeng sa Difofu (Blinlib), Mokgatlo wa Basebetsi ba Difofu wa Afrika Borwa (SABWO), Komiti ya Mehlodi ya tsa Molao le dilaeborari le diakhaeve tse sebetsang e le dibaka tsa mehlodi ya tsa melao. Lekala le sebetsana le dintlha tse mabapi le taolo ya setsha ssa NLSA, Blinlib le SABWO, tse fumantshwang tshehetso slelemo ka seng ho tswa Lefapheng le ho sebetsa jwalo ka Bongodi bakeng sa Komiti ya Mehlodi ya tsa Molao (LDC) le Khantshele ya Naha ya Ditshebeletso tsa Laeborari le Tsebiso (NCLIS).
NLSA e sebetsa e le setsha sa naha sa laeborari (Lekala la Pretoria) hape e le laeborari ya naha ya polokelo ya Afrika Borwa (Lekala la Cape Town). Selemong sena se lekolwang, moaho o motjha o ile wa ananelwa bakeng sa Lekala la Pretoria, le tlang ho bitsa R119 ya dimilione mme le tlang ho sebetsa jwalo ka sebaka sa bohlokwa sa naha bakeng sa batho ba hlokang tsebiso Afrika Borwa. Selemong sena se lekolwang, Setsha se ile sa ba le seabo mererong ya ho phahamisa tsebo ya ho bala le ho ngola le tlwaelo ya ho bala. Letona le iloe la boela la ananela hore ho be le tjhelete ya tlatsetso bakeng sa NLSA bakeng sa basebetsi ba sehloho ba Setsha.
Blindlib e fana ka dingolwa bakeng sa monolo wa Braille le dikhasete ka ho otloloha ho difofu le basebedisi ba sa kgoneng ho bala mongolo naheng ka bophara. Dikgeo tse tharo tse ileng tsa hlaha Botong ya Blinlib di ile tsa tlatswa selemong sena se lekolwang. Molaodi e motjha wa Blindlib, e leng wa pele eo e leng sefofu, o ile a thonngwa ka Pudungwana 2002.
Lekala la Ditshebeletso tsa Braille la SABWO le lona le fana ka dingolwa tsa Braille naheng ka bophara. Selemong sena se ntseng se lekolwa, DACST ya mehleng e ne e fana ka ditjhelete tsa tlatsetso ho SABWO ho etsa hore e kgone ho tswelapele ho hatisa Braielle bakeng sa mafapha a mmuso.
Sepheyo sa NCLIS ke ho fana ka keleletso ho Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji le Letona la Thuto mabapi le dintlha tse amanang le ditshebeletso tsa tsebiso tsa laeborari hore ho tle ho kgwathatswe ntshetsopele ya setjhaba ka ho fana ka tsebiso e loketseng. Mosebetsi wa ho theha NCLIS o ile wa qetwa selemong sena se ntseng se lekolwa mme ditho tsa yona di tla tonngwa karolong ya bobedi ya 2003.
Sepheyo sa LDC ke ho tsamaisa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Dipolokelo tsa Semolao, wa 1997. Molao o netefatsa hore kgatiso e le nngwe ya tokomane ka nngwe e phatlaladitsweng Afrika Borwa e romelwa ntle le tefello ho LSA, Laeborari ya Palamente, Laeborari ya Mokgatlo wa Natal le Ditshebeletso tsa Dilaeborari tsa Mangaung (Bloemfontein). Dikgatiso tsa dikhasethe tsa dividio di romelwa Akhaeveng ya Naha ya Difilimi, Dividio le Modumo, Pretoria. Molao ona o netefatsa hore bojalefa bo ditokomaneng ba Afrika Borwa bo a bolokwa le ho fuwa setjhaba. Selemong sena se lekolwang, Komiti e ile ya kopana habedi, jwalo ka ha ho ile ha etsahala ka Komiti e Nyane ya Setheknikale.
Dikgokahano di sebetsa e le tsa bohlokwa pakeng tsa setjhaba ka kakaretsole Lefapha la Bonono, Setho. Ho hlophisa diketsahalo, ho phatlalatsa ditokomane le ho hokahana le boraditaba ke mosebetsi wa tsona wa sehloho.
Ditshebeletso tsa tsamaiso ya ditjhelete ke tsona tse hlokometseng Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba ka hara Lefapha. Tshebeletso e netefatsa pepeso, boikarabelo le tshebetso e phethahetseng di a hlokomelwa ka nako tsohle moo ho nang le phapanyetsano ya ditjhele e etswang ke Lefapha.
Lekala la Ditshebeletso tsa Molao le fana ka keletso ya ka hare ho Lefapha. Lekala la theknoloji ya tsebiso le netefatsa hore ntshetsopele ya Theknoloji ya Tsebiso ya Lefapha, tlhokomelo le tshebediso di samaelana le leano le merero ya mmuso.
Karolo ya Tsamaiso ya Basebetsi e netefatsa hore Molao wa Ditshebeletso tsa Setjhaba o sebediswa ka ho phethahala. Jwalo ka mohlokomedi wa ntshetsopele, katlehiso le khiro ya basebetsi, lekala le netefatsa hore ho ba le tshebetso e ntle bakeng sa tsamaiso mme ho ikamahanngwa le yona.
Ka 2002/03 leano la khiro ka ho lekana bakeng sa Lefapha, ho latela Molao wa Khiro ka ho Lekana, le ile la hlahiswa le ho kenngwa tshebetsong. Leano le tla iswa ho Lefapha la tsa Basebetsi ka Phato 2003. Kgatelopele ho ya ho kenngweng tshebetsong e ka bonwa karolong ya 5. ho tsamaelanang le diphetoho tse sa tswa etswa ke Lefapha la Ditshebleletso tsa Setjhaba le Tsamaiso (DPSA), Lefapha le ile la hlahisa mokgwa o motjha wa tsamaiso ya tshebetso o ntseng o kenngwa tshebetsong. Ho tsamaisana le diteko tsa ho ntlafatsa tsamaiso ya tshebetso, Lekala la tsa Basebetsi le ntse le rala Moralo wa Tsebo ya Mosebetsi o tlang ho fuwa Bolaodi ba Thuto le Thupelo ya Lekala la Setjhaba (PSETA). Moralo wa Tsebo ya Mosebetsi o tla fana ka moralo o phethahetseng bakeng sa ho ntlafatsa mosebetsi wa basebetsi ka sepheyo sa ho ntlafatsa tlhahiso le morolo le ho fokotsa tahlehelo ya basebetsi.
Bakeng sa ho ntlafatsa polokeho ya basebetsi le thepa Moahong wa Oranje-Nassau, ho ile ha kenngwa mokgwa o motjha wa tshireletso. Basebetsi bohle ba fuwe dikarata tsa elektroniki tsa ho kena tse etsa hore ho kgonahale ho bona ho kena le ho tswa ha motho moahong.
Phetolo ya leano e ileng ya baka hore ho thehwe SITA e na le kgahlamelo e bonahalang bakeng sa Lefapha. Tsamaiso ya maqhama a dikonteraka e tla ba karolo ya bohlokwa ya lekala la theknoloji ya tsebiso. Mofuta ona wa ditshebeletso o fumanehang ho SITA o tataiswa ke komiti ya kahare e tsepamisitseng maikutlo tsamaisong ya tsebiso ya theknoloji le tsamaisong ya dintlha tse amanang le tsebiso ya theknoloji mananeong ohle. Projeke e ntseng e tswelapele ka hara Lefapha ke ho netefatsa hore tshebediso ya theknoloji ya tsebiso e thusa ho fana ka tsebiso ya tsamaiso e nepahetseng le teng ka nako e loketseng.
Lefapha la Bonono le Setho le ile la thakgola websaete e nang le tjhebahalo e ntjha ya http//:www.dac.gov.za ka Phato 2002, ho ileng ha bontsha diphetoho tse entsweng ke Lefapha hara selemo le ho etsa sebaka se setjha sa dikgokahano le tsebiso.
Ditshebeletso tsa molao di fana ka keletso ya molao ho ba nang le seabo kaofela le tshehetso ya molao bakeng sa dinyewe boemong ba Lefapha, ha mmoho le ho tshehetsa batsamaisi ha ba rala molao.
Lekala la Tlhahlobo ya Kahare le se le phethetse setshwatntsho a ntshetsopele ya leano la ho sebetsana le dinthotse ka bang ditshitale tlang ho thusa Lefapha ka ho hlwaya tsa bohlokwa tse tlang pele bakeng sa tlhahlobo ya kahare. Moralo ona o se o sebedisitswe mme wa thehwa hodima dibaka tsa hlwauweng, peho leihlo e ntse e tswelapele. Tlhokomelo e tswelang pele ke karolo ya bohlokwa ya katleho tshebedisong ya Leano la Thibelo ya Boqhekanyetsi le ileng la hlahiswa ke Lefapha.
Mesebetsi ya Tsamaiso ya Ditjhelete e kenyelletsa tshebetso kgafetsam e phethahetseng mme ya ka nako ya diphapanyetsano tsa ditjhelete, le poloko ya e phethahetseng ya rejistara ya thepa. Nakong ena e ntseng e lekolwa, mokgwa wa boikarabello o ile wa kenngwa tshebetsong, e leng kgato e kgolo ho tloha mokgweng o neng o sebediswa nakong e fetileng. Lenaneo la ho kenya tshebetsong le ile la kenyelletsa ho hlwauwa le ho kenya tshebetsong mananeo a kwetliso ho netefatsa tshebediso e phethahetseng ya tshebetso.
D Ka 2002 Moporesidente e tsebisitse hore Lefapha la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji le tla arolwa ho ba mafapha a mabedi. Sena se etsahetse ka la 1 Phato 2002, mme ho ile ha thehwa Lefapha la Bonono le Setho. Ho thehwa ha Lefapha le letjha ho tlisitse boikarabelo bo eketsehileng, mananeo le diprojeke tse ntjha tse ileng tsa baka hore ho be le tlhokeho ya tlhophiso e ntjha ya tsa basebetsi.
Bojalefa ba setjhaba, Polokelo ya Naha ya Direkoto le Ditshebeletso tsa Dilaeborari.
Mawala a Lefapha a latela metjha ya mmuso eo ho tsepamisitsweng maikutlo ho yona; ho phahamisa ntlafatso ya moruo, ho fokotsa bofuma, ho lwantsha ditlolo tsa molao, ho phahamisa kaho ya setjhaba, ho ntlafatsa puso e ntle le ho lwantsha HIV/AIDS.
Lefapha le ntse le tswella ho tobana le boikarabelo ba bona ba bohlokwa ka ho netefatsa hore Ma-Afrika Borwa ohle a na le phihlello ho tsa bonono, setho, dipuo, dipolokelo tsa direkoto le dilaeborari.
Ho ella mafelong a selemo sa ditjhelete sa 2002/2003, Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa naha wa Leano la Puo oo sepheo sa ona e lng ho phahamisa tshebediso e lekanang ya dipuo tsohle tse 11 tsa semmuso. Selemong sa ditjhelete sa 2002/2003, Lefapha le tla nehelana ka Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa Palamenteng ho netefatsa hore Leano le kenngwa tshebetsong.
Ka 2002 Lefapha le bile le seabo Sebokeng se mabapi le Mokgatlo wa Tsosoloso ya Boitshwaro. Mokgatlo wa Tsosoloso ya Boitshwaro o qadile e le boiteko ba lekala la poraefete ka lebaka la takatso ya ho fumana mekgwa ya boitshwaro bo amohelehang baahing ba Afrika.
Lefapha le tswelletse le ho ntlafatsa dikamano le mebuso e mmalwa ya matjhaba mmoho le ho aha bolekane bo tlang ho tswela mahlakore bobedi molemo.
Lefapha le tsheheditse mananeo a mmalwa a pebofatso ya bofuma mme le tla qalella ho atolosetsa mananeo a tebileng a mabapi le thupelo ya boitsebolo selemong sa ditjhelete sa 2003/3004.
Lefapha le tswelletse le ho phahamisa ntlafatso ya moruo ka tshebediso e nepahetseng ya di-indasteri tsa setho, mohlala: difilimi, mmino, botaki, dibuka, diphatlalatso le tsa mesebetsi ya matsoho.
Lefapha le thusitse moketjaneng oo masalla a Sarah Bartmann a ileng a nehwa beng ba ona, mme le ipabotse ho etsweng ha lebitla mmoho le ho tsebisa seo e le mokolokotwane wa setjhaba. Merero ena di hokahantswe ho bohahlaudi ba lehae mme di tla kenya tjhelete ya bohahlaudi sebakeng seo.
Lefapha le tlile ka ho ketekwa ha Letsatsi la Tokoloho le la Bojalefa ba Setjhaba, la boela la kgothaletsa Maafrikaborwa ohle ho keteka tokoloho eo ba e fumaneng ka thata mmoho le ho ba hlokomedisa ka matshwao a naha.
Marangrang a Matjhaba a mabapi le Leano la Setho (INCP), e leng komiti ya matona a setho e ile ya tshwarwa selemong sa ditjhelete sa 2002/2003. Matona a setho a ka bang 35 e ne e le baeti ba Lefapha. Tse ding tsa dintlha tseo ho buisanweng ka tsona e bile setho le tse akaretsang lefatshe lohle, setho le ntshetsopele ya moruo mmoho le kgokahano ya maano a setho.
Lefapha le ile la kgetha le ho bontsha merero e ipabotseng tse 637 tsa mosebetsi wa matsoho ho tswa naheng ka bophara. Tsena di ile tsa bontshwa National Craft Imbizo le Beautiful Things Exhibition e neng e le Sebokeng sa Lefatshe se mabapi le Ntshetsopele e Tswellang (WSSD). Dintho tse entsweng ka matsoho tsa boleng bo phahameng di ile tsa rekiswa nakong ena ya matsatsi a 22.
Dikgau tse ntjha tsa Naha di ile tsa tsebiswa moketjaneng o neng o tshwerwe ho hlompha Maafrikaborwa bakeng la bohlwahlwa ba bona. Dikgau tsa Naha le dikgau tsa boemo bo hodimodimo tseo Afrika Borwa ka Moporesidente ya yona e ka di nehelang ba yona kapa melata e ipabotseng.
Bokaalo bo voutetsweng 457 749 000.
Tjhelete e setseng 28 475 898.
Tjhelete e setseng e amana le 6,22 % ditjeho tsa nnete papisong le matlole a voutetsweng bakeng la selemo sa ditjhelete sa 2002/2003. Boholo ba ho se sebediswe ha ditjhelete ke ka lebaka la hore diprojeke tse ding tsa ditjhelete tse ngata tse hokahaneng le ditheo tsa setho ha di a ka tsa qetwa selemong sa ditjhelete (R2,474 million), le hobane ditjeho tsa Freedom Park di bile monyebe ho feta kamoo ho neng ho lebelletswe kateng ka lebaka la mathata (R24,744 million).
Ditjeho tsa jwale R?
Ditjeho tsa ditefo tsa phetisetso (85,63 %) di bile sehlohlolong Voutung.
Polokelo ya Naha ya Direkoto e etsa hore setjhaba se fihlelle direkoto. Le ha phihlello direkotong e le mahala, setjhaba se lefella ditjeho tsa dikgatiso tse tlang ho sebediswa ka mokgwa wa filimi kapa pampiri. Ho rekiswa diphatlalatso mme setjhaba se lefe ditjeho tsa ho fumanwa ha tlhahisoleseding ka mokgwa wa maknete.
Mosebeletsi wa tsa Polokelo ya Naha ya Direkoto ke yena ya etsang qeto mabapi le ditefiso, ho latela sekgahla sa jwale sa mebaraka.
Polokelo ya Naha ya Difilimi, dividio le Medumo e bokella, e baballe le ho nehelana ka phihlello direkotong tse mamelwang le tse bohwang tse entsweng ke mmuso mmoho le mekgatlo ya poraefete kapa batho ka bomong.
Ho etsa hore direkoto tse jwalo di fihlellehe le hore di sebediswe ke setjhaba.
Ho netefatsa botsamaisi bo nepahetseng le tlhokomelo ya direkoto tsa setjhaba tse mamelwang le tse bohwang.
Ho bokella direkoto tseo e seng tsa setjhaba tse mamelwang le tse bohwang le tse ding ka ho eketsa boleng le bohlokwa ba tsona naheng ka mokgwa oo Sebaka se seng se ke keng sa o etsa.
Ho hlokomela direjistara tsa naha tsa direkoto tseo e seng tsa setjhaba ka ho eketsa boleng le ho ntlafatsa tshebedisano le kgokahano pakeng tsa ditheo tse nang le direkoto tse jwalo.
Ka kgutsufatso, ho ntlafatsa ho baballwa le ho sebediswa ha bojalefa ba rona a naha a polokelo ya direkoto.
Mosebeletsi wa tsa Polokelo ya Naha ya Direkoto ke yena ya etsang qeto mabapi le ditefiso, ho latela sekgahla sa jwale sa mebaraka.
Biro ya Difilimi tsa Mapetjo e ngodisa difilimi tsa mapetjo, mabitso, mabitso a ikgethang le diyunifomo tsa batho ka bomong, mekgatlo le ditheo. E boela e nehelane ka keletso dintlheng tsa difilimi tsa mapetjo le dintlheng tse amanang le ona mme e nehelana ka thuso ya ditjhelete ditheong, dibotong, baahing kapa mekgatlong ya setjhaba kapa bathong hore ho phahamiswe maikemisetso a Biro ya Difilimi tsa Mapetjo.
Mosebeletsi wa tsa Difilimi tsa Mapetjo, ka puisano le Mosebeletsi wa tsa Polokelo ya Naha ya Direkoto, o etsa qeto mabapi le ditefiso, ho latela sekgahla sa jwale sa mebaraka.
Lefapha le sitiswa ke tlhokeho e teng mehloding ya batho. Ho thehwa ha Lefapha le letjha la Bonono le Setho ho bakile tlhophiso e ntjha ya tsa basebetsi. Ho tobana le tlhokeho ya bokgoni, Lefapha le se le entse papatso ya bongata ba dikgeo tsa mosebetsi. Le ha ho le jwalo, ho tlatsa dikgeo tsena ho ke ke ha lekana le ho tlisa phumantsho e phethahetseng ya ditshebeletso, mme Lefapha le tla tlameha ho buisana le lefapha la Matlotlo a Naha selemong sa ditjhelete sa 2003/2004 hore le eketse kabo ya ditjeho tsa basebeletsi. Meralo ya ntshetsopele ya boitsebolo ba motho ka mong e se e sibollotswe bakeng la mosebeletsi ka mong wa Lefapha, mme Botsamaisi ba Mehlodi ya Batho bo ntse bo etsa kgokahano ya motjha ona wa ntshetsopele.
Ka boholwanyane, Lefapha le kgonne ho hlophisa diketsahalo tsa lona ho latela kabo ya motheo ya Moralo wa Nakwana wa Tshebediso ya Ditjhelete (KMNTD). Le ha ho le jwalo, tse tlang pele tsa nakwana tse kang matlole a Mokgatlo wa Tsosoloso ya Boitshwaro, di-Indasetri tsa Setho mmoho le diprojeke tsa ditjhelete tse ngata ha di a kgona ho kenyeletswa kahara ditataiso tsena. Ho tobana le tshitiso ena ya bokgoni, Lefapha le tla kopana le Komiti ya Moralo wa Nakwana wa Tshebediso ya Ditjhelete (KMNTD), le behe dintlha tse mabapi le ho eketswa ha kabo yohle ya motheo ya Moralo wa Nakwana wa Tshebediso ya Ditjhelete (KMNTD).
Ditheo tsa setjhaba tse ka tlase di ile tsa fumana matlole a Lefapha. Ditekanyetso tsa selemo sa ditjhelete sa 2002/2003 ke tsena.
Letona la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji le tsebahaditse ditheo tse leshome le metso e mehlano e le tsa setho ho latela dintlha tsa Molao wa Ditheo tsa Setho wa 1998. Ditheo di tlamehile ho etsa moralo o mabapi le ho amohela le ho baballa thepa yohle, ya mofuta ofe kapa ofe, e tlhokomelong ya bona, ho kenyeleditswe le disampole, dipokello kapa thepa efe kapa efe e tsamayang. Di tlameha ho boela di tsamaisa thepa e tsamayang eo e leng ya Mmuso.
Ho tsebahatsa mokgwa wa tshebetso o momahaneng le o sebeletsanang bakeng la botsamaisi ba mehlodi ya bojalefa ba naha a setjhaba.
Ho phahamisa puso e ntle maemong ohle.
Ho ntlafatsa baahi le ho baballa mehlodi ya bojalefa ba bona a setjhaba bakeng la letlobo la kamoso.
Ho theha metheo ya kakaretsoe mabapi le botsamaisi ba mehlodi ya mafa.
Ho tsebahatsa mokgwa wa tshebetso o momahaneng bakeng la ho hlwauwa, hlahlobo le botsamaisi ba mehlodi ya bojalefa bafrika Borwa.
Ho theha Sebaka sa Mehlodi ya Bojalefa ba Setjhaba sa Afrika Borwa mmoho le Lekgotla la sona, ho hokahanya le ho phahamisa botsamaisi ba mehlodi ya bojalefa ba setjhaba boemong ba naha.
Ho beha melao le ho hlokomela maemo a bohlokwa a naha a botsamaisi ba mehlodi ya bojalefa ba setjhaba Afrika Borwa.
Ho sireletsa mehlodi ya bojalefa ba setjhaba e bohlokwa naheng.
Ho laola thomelontle ya dintho tsa bohlokwa tsa naha mmoho le thomello kahara Afrika Borwa ya thepa ya setho e tliswang ka mokgwa o seng molaong ho hlaha dinaheng disele.
Ho kgontsha diprovense ho theha bolaodi ba bojalefa ba setjhaba bo tlamehang ho ananela matla a ho sireletsa le ho tsamaisa mekgahlelo e itseng ya mehlodi ya bojalefa ba setjhaba.
Ho nehelana ka tshireletso le botsamaisi ba dibaka tse loketseng ho baballwa ke bolaodi ba lehae.
Ditheo tsa bonono di thusa ho theha indasteri e tswellang ya bonono ba phethahatso bo itshetlehileng ho phihlello, bohlwahlwa, phapano le tokiso ya tse fosahetseng. Di kgothaletsa ntshetsopele ya letoto le felletseng la bonono ba phethahatso.
Business Arts South Africa ke Khampani ya Karolo ya 21 eo sepheo ka yona e leng ho kgothaletsa tshehetso ya ditjhelete ho tsa bonono ka tshebediso ya lekala la kgwebo le la poraefete ka tsebahatso ya sekema sa mpho se lekanang le se nyehetsweng ke makala a boletsweng.
Mokgatlo o sibolla le ho phahamisa indasteri ya Difilimi le dividio ho latela Molao wa Difilimi le Di-video wa Naha wa 1997. O nehelana le ho kgothaletsa phumantsho ya menyetla bakeng la batho ba tswang dibakeng tsa baahi ba neng ba tinngwe menyetla kgale hore ba be le seabo indastering.
Mokgatlo o boela o phahamisa dihlahiswa tsa difilimi le dividio tsa lehae; o tshehetsa ntshetsopele le phihlello indastering; mme o tobane le nalane ya ho se lekane mokgweng wa tshebetso, boitsebolo le mehlodi indastering.
Lekgotla le thusa phumantshong ya menyetla hore batho ba be le seabo le ho rata tsa bonono, ho latela Molao wa Lekgotla la Bonono la Naha wa 1997. Lekgotla le boela le phahamisa tshebediso ya kakaretsoya bonono baahing, le kgothaletse setjhaba ho ikgantsha ka bonono, le phahamise tokoloho ho tsa bonono mmoho le ho neha batho ba neng ba tinngwe menyetla kgale phihlello e kgolo ho tsa bonono. Mesebetsi e meng e kenyeletsa ho tobana le ho se lekane ho neng ho le teng pele phumantshong ya meralo ya ditshebeletso mmoho le ho phahamisa bohokedi boemong ba naha le ba matjhaba.
Lekgotla le ikakgetse ka setotswana ho phahamisa tlhokomelo ya botemengata jwaloka mohlodi wa naha, mme le tshehetsa dipuo tse neng di le ka mosing ka ho di ntshetsa pele, ho tsamaisa le ho beha phihlello ya tsona leihlo ho kenyeleditswe tlhahisoleseding le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo. Diketsahalo tsena di latela dipehelo tsa Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa wa 1999.
Dilaeborai di baballa le ho phahamisa tlhokomelo ya ditokomane tsa naha tsa bojalefa ba setjhaba mme di thuse dintlheng tse amaheng. Di kenyeletsa Laeborari ya Afrika Borwa ya Difofu, e nehelanang ka ditshebeletso tsa laeborari le tlhahisoleseding ho babadi ba sa boneng le ba sa kgoneng ho bala se ngotsweng, le dintlha tse ding tse amehang.
Mekgatlo e meng e ileng ya fumana tefo ya phetisetso.
Lefapha le tshehetsa le ho phahamisa diprojeke tseo sepheo ka tsona e leng ho phahamisa tsa bonono le setho, sepheo sena e boela e le sa Polokelo ya Naha ya Direkoto le puo. Ho fihlela jwale Lefapha le etsa ditefo tsa dimpho tsa thuso ditheong, dibotong, dikomiting le mekgatlong e meng ya setjhaba kapa bathong ka bomong. Dikomiti tse fapaneng tsa matlole kahara Lefapha di lekola dikopo tsa diprojeke tse hlahang ho bakgathatema ba fapaneng mme di kenele tumellano le bona hang ha qeto e se e entswe mabapi le matlole a projeke e itseng.
Ka selemo sa ditjhelete sa 2002/2003 Lefapha le ne le na le Komiti ya Bohlahlobi ba Diakhaonte ho latela Molao o mabapi le Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999 (PFMA), mmoho le Melawana ya Matlotlo e ntshitsweng tlasa ona, le hore e tobane le tlhoko tsa ona tse ikgethang. Modulasetulo wa Komiti ya Bohlahlobi ba Diakhaonte e ne e le Monghadi S Kajee, Molaodi wa Ditshebeletso tsa Puso ya Koporasi ya Gobodo.
Ho tla thehwa Komiti e ntjha ya Bohlahlobi ba Diakhaonte ho tloha ka la 1 Mmesa 2003 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2004.
Yuniti ya Bohlahlobi ba Kahare ba Diakhaonte e entse hlahlobo ya tse ka bakang kotsi Lefapheng la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji hore ho tobanwe le ditlhoko tsa Lefapha le letjha la Bonono le Setho, ho se ho bile ho ananetswe moralo wa kahare wa bohlahlobi ba diakhaonte wa selemo le selemo.
Ho se ho na le moralo le mawala a ho thibela boqhekanyetsi le ho hlokomedisa batho ka sena. Jwaloka karolo ya mawala ana ho se ho na le mohala wa ho tlaleha (whistle-blowing hotline) o seng o sebetsa.
Jwalokaha Lefapha le fetisetsa boholo ba tekanyetso ya lona ditheong tsa setjhaba, mme le Letona le na le boitlamo ba ho hlokomela hore ho ikamahanngwa le Molao o mabapi le Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) ho latela dintlha tsa karolo ya 63 , ho ile ha thehwa yuniti e ka thoko ho shebana le ho beha leihlo puso ya koporasi, empa ka lebaka la tlhokeho ya bokgoni, e se e tla qala ho sebetsa ka 2003/2004.
Lefapha le hirile Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete ya tshwereng mokobobo ho tloha ka la 1 Mphalane 2002 kamora hore Lefapha le letjha le qale ho sebetsa le le leng. Ho lebelletswe hore ho tla hirwa Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa dinako tsohle ya boemong ba Molaodi ya ka Sehloohong ho tloha ka la 1 Phupjane 2003.
Ho kenngwa tshebetsong ha Molao o mabapi le Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) ho latela dintlha tsa karolo ya 63 , mmoho le Melawana ya Matlotlo e ntshitsweng ho latela dintlha tsa karolo ya 76 le 77 ya PFMA ke ntho e behilweng pele Lefapheng. Dikgothaletso mabapi le sena di se di tjhaelwa monwana le ho sebediswa. Le ha ho se ho na le kgatelopele e dintlheng tse itseng, tse ding di tla lokela ho shebisiswa haholo selemong sa ditjhelete sa 2003/2004.
Pehelo e nepahetseng ya ditjhelete e ile ya nyehelwa ka nako ho bakgathatema ba fapaneng ho latela Molao o mabapi le Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA). Ntle le ditlhoko tsa molao, Lefapha le boetse le na le Pehelo ya kahare e sebetsang ka ho phethahala mmoho le mokgwa wa tshebetso wa botsamaisi ba ditjhelete. Sena se pakahatswa ke poloko e nnyane e fihletsweng nakong ena ya Pehelo (ntle le diprojeke tsa ditjhelete tse ngata tseo Lefapha le se nang taolo ho tsona ka lebaka la mabaka a amanang le tsa kaho le moahi).
Lefapha la Bonono le Setho le thehilwe ka Phato 2002 mme le ne le se na Dikgakanyo tsa Ditjeho tsa Naha tsa selemo sa 2002/2003, kapa Moralo o Mawala wa ho tloha ka la 1 Phato 2002 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2003. Mananeo a lona a ile a lokela ho kenyeletswa Dikgakanyong tsa Tlhophisobotjha tsa 2002/2003, mme sena se ile sa thatafatsa Pehelo ya semmuso ho latela dintlha tsa maikemisetso tsa Dikgakanyo tsa Ditjeho tsa Naha le Moralo o Mawala wa Lefapha la pele la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji. Sena se ile sa fetelletswa ke ntlha ya hore mekgwa ya tshebetso ya diakhaonte, ditjhelete le meputso e qadile ho sebetsa feela ka la 1 Pudungwana 2002. Le ha ho le jwalo, mekgwa ya tshebetso ya phethahatso ya tshebetso e neng e thehwe Lefapheng la pele la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji e ile ya tswela pele ho latela dikopano tsa botsamaisi le mefuta e meng ya hlahlobo e tswellang e kang Bohlahlobi ba Kahare ba Diakhaonte mmoho le metjha ya tekolo ya Dikomiti tsa Bohlahlobi ba Diakhaonte. Ha ho mokgwa wa kantle o ileng wa sebediswa ho netefatsa tlhahisoleseding e mabapi le phethahatso ya tshebetso ntle le ditekolo tse tlwaelehileng tsa Mohlahlobikakaretsowa Diakhaonte.
Ditatemente tsa ditjhelete jwalo ka ha di hlalositswe maqepheng a 67 ho ya ho 90, nakong ya dikgwedi tse robedi tse fellang ka 31 Hlakubele 2003, di ile tsa hlahlojwa ho ya ka karolo ya 188 ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ya 1996 (Molao wa No. ya 108 ya 1996), tse balwang le dikarolo tsa 3 le 5 tsa Molao wa Mohlahlobikakaretsowa Dibuka wa 1995 (Molao wa No. ya 12 ya 1995). Ditatemente tsena tsa ditjhelete, mehato ya ho hlokomela taolo e phethahetseng ya ditjhelete le ho sebetsa ho ya ka melao le melawana e lebaneng le tsona ke boikarabelo ba mohlanka wa diakhaonte. Boikarabelo ba ka ke ho hlahisa maikutlo a ka ka ditatemente tsa ditjhelete, tse thehilweng hodima hlahlobo ya dibuka.
Hlahlobo ya dibuka e entswe ho ya ka Maemo a Ho Hlahloba Dibuka a Disetaemente tsa Afrika Borwa. Maemo ao a hloka hore ke rale le ho phetha hlahlobo ya dibuka ho fumana tiiso e phethahetseng ya hore ditatemente tsa ditjhelete ha di tshwaetswe ke ditatemente tse fosahetseng tsa thepa.
ho hlahloba, ka teko, bopaki bo tshehetsang Peresente ya palo le ho senola ditatemente tsa ditjhelete, ho lekola metheo ya tshupamelato e sebediswang le ditekanyetso tsa bohlokwa tse etswang ke tsamaiso, le ho lekola pehelo ya setatemente sa ditjhelete ka kgutsufatso.
Hapehape, ho hlahloba dibuka ho kenyeletsa hlahlobo , ka teko, bopaki ba ho tshehetsa ho sebetsa ho ya ka dintho tsohle ka melao le melawana e loketseng, eo ke e tsebisitsweng , mme e sebediswa ditabeng tsa ditjhelete.
Ho ya ka moo ke nahanang ka teng ditatemente tsa ditjhelete di behela ka ntle ho pelaelo, ditabeng tsohle tsa disebediswa, maemo a ditjhelete Lefapheng la Bonono le Setho (lefapha) nakong ya dikgwedi tse robedi tse fellang ka 31 Hlakola 2003, le diphetho tsa ka moo le sebeditseng ka teng le tshebediso ya tjhelete ya nako e fellang ho ya ka tshebediso e balletsweng ya tlhaloso ya ditjhelete.
Maemong a mang tefello ya ditjhelete tse fetiseditsweng e ne e tshehetswa ke ditokomane tse kgotsofatsang.
Maemo a hlwailweng a sa hlaloswa ka mehla dikonterakeng.
Ho kgethilwe moeletsi ya tla fuputsa ditsamaiso tse seng molaong tsa ditjhelete tse tswalwang ke tshehetso ya ditjhelete ya dimilione tse R2.
tse lefilweng Teatere ya Windybrow. Pehelo ya pele e tiisitse hore e ka nna yaba ho na le tsamaiso e seng molaong ya ditjhelete le tshebediso e sa kgotsofatseng. Nakong eo pehelo ena e eng e bokellwa phuputso e ne e so ka e phethelwa.
Lefapha la Bonono le Setho le arohantswe le Lefapha la Bonono, Setho Saense le Tehkenoloji ka 1 Phato 2002. Ha esale ho arolwa, mokgwa wa moralo o motjha wa ho hlahloba dibuka tsa ditjhelete wa lefapha, o ne o so ka o thehwa nakong ena ya ho hlahlojwa ha ditjhelete, mme ha ho a ka ha eba le hlahlobo ya lefapha e qetilweng nakong ena. Ka lebaka leo, ha ho na dipehelo tsa lefapha tsa dihlahlobo tsa ditjhelete.
Ka lebaka la ho arolwa, Lefapha la mehleng la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji, lefapha le ile ka kotjwa ho lokisetsa lenane la maruo le melato e neng e tlamehile hore e ile ya fetisetswa mafapheng a matjha a thehilweng. Ho ya ka karolwana ya 42 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete ya Setjhaba (MTDS) ya 1999 (Molao wa No. ya 1 ya 1999) lenane le ile la saenwa ke bahlanka ba ditshupamelato le mafapaha a amohelang ditjhelete.
Lenane lena le ne le ke ke la romelwa mabapi le ho hlahlojwa ha ditjhelete, ho bakileng hore ho se be le le hona ho ka tiisa taba ya ho fetiswa ha matlotlo.
Ka moo basebeletsi ba lefapha ba thusitseng ka teng, ha ho ne ho hlahlojwa dibuka tsa ditjhelete ho a thabisa ka nnete.
Re thabela ho hlahisa pehelo ya rona ya ditjhelete tse fellang ka 31 Mmesa 2003.
Komiti e hlahlobang dibuka tsa ditjhelete e na le ditho tse kolokisitsweng ka tlase mona , mme e kopana bonyane 2 ka selemo ho ya ka dintlha tseo e tlamehang ho di tshohla. Selemong sena ho ile ha tshwarwa dikopano tse 2.
Dipehelo tsa Komiti e Hlahlobang Dibuka tsa Ditjhelete tse lokisitsweng ka boikarabelo ba tsona ho tswa karolong ya 38 (a) ya MTDS le Melwana ya Kantoro ya Matlotlo 3.1.13. Komiti e Hlahlobang Dibuka tsa Ditjhelete le yona e nehela hore e amohetse ditaba tse tla tshohlwa tse nepahetseng tsa mmuso e le tjhata ya komiti e hlahlobang dibuka tsa ditjhelete, mme e phethile boikarabelo bohle ba yona jwalo ka ha bo fuperwe moo.
Tsamaiso ya taolo ya lefapha ka tsa ditjhelete e a sebetsa jwalo ka ha dipeheleo tsa Bahlahlobi ba Dibuka tsa Lefapha, Pehelo ya Hlahlobo ya Dibuka ka Ditatemente tsa Ditjhelete tsa Selemo, ditaba tsa tiiso le lengolo la bolaodi la Mohlahlobikakaretsowa Dibuka tsa Ditjhelete di sa behele taba ya bohlokwa kapa ho se sebetse ho ya ka dipallo tsa maano le ditsamaiso.
Maemo a hodimo a bolaodi ba selemo sena le dipehelo tsa kgwedi tse rometsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao le Molao wa Karolo ya Kuno.
Komiti e kgotsofetse ka dikahare le maemo a hodimo a dipehelo tsa kgwedi tse lokisitsweng le tse phatlaladitseweng ke Mohlanka wa Diakhaonte le Lefapha nakong ya tekolo ya selemo seo.
Lekola hape dikamahanyo tse bonahalang tse hlahang ho tswa bohlahlobing.
Komiti e Hlahlobang e dumelana le ho amohela qeto ya Mohlahlobikakaretsoka ditatemente tsa ditjhelete tsa selemo , mme e nahana hore disetetatemente tse hlahlobilweng tsa selemodi amohelwe di be di balwe mmoho le pehelo ya Mohlahlobikgutsufatso.
Ditatemente tsa ditjhelete di lokisitswe ho ya ka maano a latelang, a sebedidsitsweng ka mehla dithepeng tsohle, ka ntle ha eba ho hlalositswe ka tsela e nngwe. Le ha ho le jwalo, moo ho loketseng teng, mme ho phatlaladitswe tsebo e utlwahalang le e ekeditsweng hore e matlafatse molemo wa ditatemente tsa ditjhelete le ho sebetsa ho ya ka ditlhoko tsa diphelelo tsa Molao wa Tsamaiso tsa Ditjhelete tsa Setjhaba, Molao wa No. ya 1 wa 1999 (jwalo ka ha o ile wa fetolwa ke Molao wa No. ya 29 ya 1999), Melwana ya Kantoro ya Matlotlo ya Mafapha le Ditsha tsa Molao wa Motheo tse phatlaladitsweng ho ya ka Molao le Molao wa Karolo ya Matlotlo, Molao wa No. ya 5 wa 2002.
Ditatemente tsa ho qetela di se di lokisitswe ho ya ka mokgwa o lokisitsweng wa kheshe wa akahaonting, ka ntle ha eba ho bile le phetoho. Mokgwa wa ho beha o se o tla fetolwa wa ho beha ka mokgwa wa kheshe wa akhaonteng wa ho behela ka tsela ya ho eketseha ya akhaonteng. Ho ya ka mokgwa wa akhaonteng wa kheshe wa ho sebedisana mme diketsahalo tse ding di a amohelwa ha ho amohetswe kheshe kapa e lefilwe. Ho ya ka mokgwa wa ho eketseha ha kheshe wa ditshebediso tsa akahonting le diketsahalo tse ding tse amohetsweng ha di sebedisitswe e seng ha kheshe e amohetswe kapa e lefilwe.
Ditjhelete tse voutetsweng ke diPeresente ya palo tse abetsweng lefapaha ho ya ka tekanyetso ya ho qetela e tsejwang e le Ditekanyetso tse Hlophisitsweng hape tsa Naha / Ditshenyehelo tsa Porovense. Ditjhelete tse sa lebellwang tse voutetsweng di nyehelwa Letlole la Naha/Porovense la Kuno.
Phahello le diajwa tse amohetsweng di a ngodiswa ha ho fumanwa setlankana sa ditjhelete, mme tjhelete e eketsehileng e etsetswa phaello kapa diajwa tse fumaweng ho ya ka setlankana sa ho qetela ho ya ka mohla wa qetelo wa nako ya pehelo. Di amohelwa e le kuno ditatementeng tsa lefapha, mme di fetisetswa Letloleng la Kuno ya Naha /Porovense.
Ditshenyehelo tsa hona jwale di a ngolwa setatementeng sa kuno ha ho lefilwe.
tjhelete e sebedisitsweng ho feta ka moo e reretsweng ka teng ka voutu kapa ke karolo e ka sehloohong ka hara voutu, kapa ditshenyehelo tse sa phethwang ho ya ka sepheo sa voutu kapa ha e le karolo e ka sehloohong, e seng ho ya ka sepheo sa karolo e ka sehloohong.
Ditshenyehelo tse seng molaong di sebetswa e le letlotlo la hona jwale bukaneng ya ditekanyetso ho fihlela ditshenyehelo tseo di kgutliswa ke eo a di sebedisitseng kapa tsa fumana ditjhelete letloleng la selemo se tlang ho voutilwe.
Molao ofe kapa ofe wa porovense o fanang ka tsamaiso ya ho fumaneha ha thepa mmusong oo wa porovense.
Ditshenyehelo tse se nang molemo le tsa tshenyo tse phethilweng ka ntle ho lebaka, mme di ne di ka qojwa ha ho ne ho ka sebetswa ka hloko. Ditshenyehelo tse se nang molemo le tsa tshenyo di tlameha ho kgutliswa di tswa ho mohlanka wa mmuso ya nang le boikarabelo (akhaonte ya ya kolotang e ngolwe), kapa voutu ha ho se na ya fumanwang a le molato.
Melato e hlakolwa ha e hlwauwa e ke ke ya lefellwa hape. Ha ho pehelo e bang teng mabapi le ditjhelete tse ke keng tsa fumanwa hape.
Ditshenyehelo tsa thepa e teng ka 30 Hlakubele 2003 e tla sebediswa selemong se latelang sa ditjhelete, e a hlakolwa kaofela ha yona ha e amohelwa le ha e ngotswe diakhaonteng e le e sebedisitsweng setatementeng sa kuno. Leruo le thepa (thepa e ke keng ya tsamaiswa le e ka tsamaiswang) tse fumanweng di a hlakolwa setatementeng sa kuno ha le lefilwe.
Ditshireletso tse ka bapatswang di amohelwa ho ya ka boleng ba tsona. Boleng ba mmaraka bo sebetswa ho ya ka hore thekiso ya thepa mmarakeng e balletsweng hakgwebo e kwalwa mohla tekanyetso ya dibuka.
Matsete ao e seng a hona jwale a bontshwa tshenyehelo mme ditekanyetso di etswa feela moo ho ya ka monahano wa baokamedi, ho tsetela ho senyehang. Moo ditsetelo di senyehileng teng, ho amohelwa e le tshenyehelo ka nako eo ho senyeha hoo hlwailweng ka teng.
Dikeketso ha ho jara Peresente ya palo ya ditshireletso tse ka bapatswang tse hlophisitsweng e le leruo leo e seng la hona jwale di lefellwa e le tekolo hape le dipoloko tse ding ditjheleteng tsa babheletsi ba diajwa. Diphokotso tse sitisang dikeketso tse fetileng tsa ditshireletso tse ka bapatswang di tlameha ho lefellwa setatementeng sa kuno. Dikeketso/diphokotso tsa ho fetisa ditshireletso tse bapatswang tse hlophisitsweng e le leruo la hona jwale di a lefellwa/ kolotiswa setatementeng sa kuno.
Ha tsetelo e tlohelwa, phapang mahareng a ditjhelete tsa ho tlohelwa tsa nete e tlohelwang ya ditjhelete le Peresente ya palo e fetiswang e a kotjwa kapa e a lefellwa setatementeng sa kuno. Ha ho tlohelwa tshireletso e hlophisitsweng ya mmaraka e le leruo leo e seng la hona jwale, Peresente ya palo e lekolwang hape le dipolokelo tse ding tse tsamaelanang le tshireletso e ka bapatswang, di fetisetswa ho tefo e bolokilweng.
ho kgetha divoutu tsohle kapa boholo ba tsona tsa dikopano tsa lekgotla la baokamedi kapa lekgotla le busang le tshwanang le leo; kapa ho laola ditokelo tsohle tsa ho vouta kopanong e akaretsang ya boikemelo boo.
Matsete a boikemelong bo laolwang a bontshwa e le ditjeho.
Ditjhelete tse amohetsweng ha di ke di behwa ka tlasa kheshe ya akhaonte ka tlwaelo. Le ha ho le jwalo, ditjhelete tse amohetsweng tse ngotsweng leqepheng la ditekanyetso ho tswa ditefellong tsa kheshe tse ka fumanwang hape ho tswa ho e mong.
Ditjhelete tse amohetsweng tsa ditshebeletso tse phethilweng ha di hlokomelwe leqepheng la ditekanyetso e le leruo la hona jwale kapa kuno setatementeng sa kuno, ka ha disetetatemente di a lokisetswa ho ya ka akhaonteng ya kheshe, empa di hlahiswa ka ho fapana dinoutsung ho phahamisa molemo wa disetetatemente tsa ditjhelete.
Ditjhelete tse lefellwang ha di ke di bonwa ka tlasa kheshe ya akhaonteng. Le ha ho le jwalo, ditjhelete tse lefellwang tse kenyeleditsweng leqepheng la ditekanyetso di tswa ho ditlankana tsa kheshe tse lebiswang ho Letlole la Porovense/ la Naha la Kuno kapa sebakeng se seng.
Diphelo ke tshebediso e itshetlehileng ka ho hong e sa lokisetswang kapa ke Peresente ya palo. Dipehelo ha di ke di hlokomelwa ka tlasa kheshe ya akhaonteng , empa di hlahiswa ka ho fapana dinoutsung ho phahamisa molemo wa ditatemente tsa ditjhelete.
Boitlamo ba ho hirisa ba nako e setseng ho tloha mohla wa akhaonteng ho fihlela qetellong ya konteraka ya ho hira jwalo ka ha e hlahisitswe e le noutu disetetatementeng tsa ditjhelete. Boitlamo bona ha di hlahiswe leqepheng la ditekanyetso e le tjhelete e tla lefuwa kapa e le ditjeho setatementeng sa kuno jwalo ka ha ditatemente tsa ditjhelete di lokisitswe akhaonteng ya kheshe.
Tjhelete ena e emetse thepa/ditshebeletso tse sebedisitsweng, empa ha ho na setlankana se amohetsweng se tswang ho mofepedi ha selemo se fela, KAPA setlankana se amohetswe, empa se dula se sa leshwe ha selemo se fela. Ditjhelete tsena ha di hlahiswe leqepheng la ditekanyetso e le molato kapa ditjheho ka ha setatemente sa ditjhelete se lokisitswe ho ya ka kheshe akhaonteng, empa le ha ho le jwalo, di a hlahiswa.
Melemo ya nakwana ya mohiruwa e sebediswa setatementeng sa kuno nakong ya pehelo eo tefo e entsweng ka yona. Melemo ya nakwana ya mohiruwa, e hlahisang ditlamo tsa molao kapa tse utlwahalang, di beelwa thoko ho fihlela di ka methwa ka hloko , mme tsa sebediswa. Dintlha tse felletseng tsa meleomo ena le ditefello tse teng di a hlahiswa ho tsebisa ditatemente tsa ditjhelete, mme ha di hlahiswe setatementeng sa kuno.
Melemo e kgaotsweng e a hlahiswa , mme e sebediswe ha feela ho lefilwe.
Lefapha le fana ka penshene ya ho phomola mosebetsing ho basebeletsi ba mmuso ba lona ho ya ka moralo o hlophisitsweng wa penshene. Ditjhelete tsena di lefellwa ke ya fanng ka mosebetsi le mohiruwa. Diphehiso tsa ya fanng ka mosebetsi letloleng di a sebediswa hang feela ha tjhelete e lefilwe letloleng. Ha ho na ditokisetso tse entsweng tsa dipenshene ditatementeng tsa ditjhelete tsa Lefapha. Dikoloto tse teng di a hlahiswa disetatetementeng tsa ditjhelete tsa Letlole la Kuno la Naha/Porovense e seng ditatementeng tsa ya fanng ka mosebetsi tsa Lefapha.
Lefapha le fana ka thuso ya ditjhelete tsa bongaka (tse ding/kaofela) ho basebeletsi ba lona ho ya ka merero e hlophisitsweng. Dithuso tsena di lefellwa ke ya fanang ka mosebetsi le mosebeletsi. Diphehiso tsa ya fanang ka mosebetsi letloleng di a lefellwa ha tjhelete e lefuwa letloleng. Ha ho na dipehelo tse beilweng mabapi le dithuso tsa bongaka ditatementeng tsa ditjhelete tsa Lefapha.
Dithuso tsa bongaka tsa ho phomola tsa ditho tse seng di phomotse di a lefellwa ha ho etswa tefo letloleng.
Pokello ya tjhelete e e emela Peresente ya palo e lekanang le ya ditsetelo le/kapa dikadimo tsa ditjhelete, kapa dipoloko tsa tjhelete tse lefellwang basebeletsi bat homo e ka ntle, lekgetlong la pele selemong se fetileng sa ditjhelete. Tjhelete e e lefuwang kapa ya fumanwa hape, diPeresente ya palo tse jwalo di lebiswa Letloleng la Matlotlo.
Tjhelete e ka fumanwang hape e emela ditefello tse entsweng le tse bonwang setatementeng sa tjhelete e kenang e le e sebedisitsweng dilemong tse fetileng, eo e seng e ka fumaneha hape ho mokolotisi ka lebaka la ho se sebetswe ho ya ka tumellano. Ditefello di lebiswa Letloleng la Matlotlo ha tefello e fumanwe.
Mesebetsi e tsamaelanang le bonono le setho e fetiseditswe Lefapheng la Bonono le Setho ho tswa Lefapheng la Bonono, Setho, Saense le Thekenoloji le ileng la kgaotsa ho bat eng ka 31 Phupu 2002. Jwale, pehelo ya Lefapha key a dikgwedi tse robedi feela, kantle ho diPeresente ya palo tse ka bapiswang.
Dipehelo tsa ditjhelete tsa selemo ka seng tse hlalositsweng maqepheng a 67 ho isa ho 90 di dumelletswe ke Mohlanka wa Diakhaonte.
DiPeresente ya paloPeresente ya palo le tsebiso e phatlaladitsweng karolong ena ya pehelo ya selemo ka seng di a hlokeha ho ya ka Kgaolo ya 1, Karolo III J.3 ya Melawana ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba, ya 2001mme e se e behilwe ke L3tona la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso bakeng sa mafapha ohle a ka hara Ditshebeletso tsa Setjhaba. Ditheibole tsa diPeresente ya paloPeresente ya palo di fana ka tsebiso ya boemo bo hodimo ka dintlha tsa bohlokwa tse mabapi le mehlodi.
A fihlella tse ka sehlohong ntlafatsong e boemong ba naha tse hlwailweng ke Khabinete, mohlala, ho fuwa menyetla ha ba neng ba se na yona.
Dipehelo tsa selemo ka seng di hlahiswa ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete. Sena se reretswe ho tiisa boikarabelo ba mafapha ho ba nang le seabo sa bohlokwa.
Ditheibole pehelong ena di lekolwa botjha kgafetsa ke Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso (DPSA).
Ho netefatsa hore ho ba le nako e lekaneng ho lekola le ho kopanya ditshisinyo, ka kopo netefatsa hore ditshisinyo tsohle di a kena ka tsa la la kapa pele ho la 31 Phato.
Tekanyetso ya lefapha ho latela mananeo a hlalositsweng ka botlalo. Ditheibole tse latelang di kgutsufatsa ditjeho tse hlahlobilweng tsa ho qetela ho latela lenaneo (Theibole 1.1) le mekgahlelo ya meputso (Theibole 1.2). Ka ho qolleha, e fana ka sesupo sa tjhelete e sebedisitsweng ditjehong tsa basebetsi ho ya ka lenaneo ka leng kapa sehlopha sa meputso ka hara lefapha.
Peresente ya palo yohle ya ditjeho R?
Ditjeho tsa basebetsi R?
Ditjeho tsa thupello R?
Ditshebeletso tsa Profeshenale le tse Ikgethang R?
Ditjeho tsa basebetsi R?
Ditheibole tse latelang di fana ka kakaretsoya leaneo ka leng (Theibole 1.3) le mekgathlelo ya meputso (Theibole 1.4), ya ditjeho tse bileng teng ka lebaka la meputso, tshebetso ya nako e ekeditsweng, thuso tsa beng ba matlo, le thuso ka ditjeho tsa bongaka. Kgetlong ka leng, Theibole e fana ka sesupo sa peresente ya tekanyetso ya basebetsi e ileng ya sebedisetswa dintlha tsena.
Ditheibole tse latelang di kgutsufatsa lenane la dibaka tsa mesebetsi ka hara lefapha, lenane la basebetsi, reiti ya dikgeo tsa mosebetsi le hore e be ho na le le basebetsi ba ileng ba eketseha lefapheng. Tsebiso ena e fanwa ka mefuta e meraro ya sehloho:- lenaneo (Theibole 2.1), mokgahlelo wa moputso (Theibole 2.2) le ya bohlokwahadi (Theibole 2.3) e hlokang ho behwa leihlo. Theibole 2.3 e fana ka tsebiso e mabapi le lefapha ha mmoho le dikgeo tsa mosebetsi tseo e leng tsa bohlokwahadi bakeng sa lefapha. Reiti ya dikgeo tsa mosebetsi e bontsha diperesente tsa dikgeo tsa mosebetsi tse esong ho kwalwe.
Tsebiso ntlheng ka nngwe e bontsha boemo ka la 31 Hlakubele 2003.
Melawana ya Ditshebeletso tsa Setjhaba wa 1999 e ile ya tsebisa tlhahlobo ya mosebetsi e le mokgwa wa ho netefatsa hore mosebetsi wa boleng bo lekanang o lefuwa ka ho lekana. Ka hara moralo wa naha o behuweng, ba ka sehloohong ba ka hlahloba kapa ba hlahloba botjha mosebetsi ofe kapa ofe mokgatlong wa bona. Ho latela Melawana dikgeo tsohle tsa boemo ba 9 le ho ya hodimo di lokela ho hlahlojwa pele di ka tlatswa. Sena se ile sa phethelwa ke qeto ya Letona la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso hore mesebetsi yohle ya SMS e lokela ho hlahlojwa pele ho la 31 Tshitwe 2002.
Theibole e latelang (Theibole ya 3.1) e akaretsa lenane la mesebetsi e ileng y a hlahlojwa selemong se ntseng se lekolwa. Theibole e boela e fana ka diPeresente ya paloPeresente ya palo tsa lenane la dikgeo tse ileng tsa nyollwa kapa tsa theolwa.
Theibole e latelang e fana ka kakaretsoya lenane la basebetsi bao maemo a bona a meputso a ileng a nyollwa ka baka la dikgeo tsa bona tse ileng tsa phahamiswa. Lenanel la basebetsi le ka se tshwane le la dikgeo tse phahamisitsweng ka ha basebetsi bohle ba kenyelletswa dikgeong tse ntjha mme tse ding tsa tse phahaimisitsweng di ka nna ba di ntse di eso tlatswe.
Theibole e latelang e akaretsa lenane la dibaka moo maemo a meputso a fetileng tlhahlobo ya mosebetsi. Mabaka a ho iphapanya le hona a fanwe ntlheng ka nngwe.
Theibole 3.3 Basebetsi bao maemo a meputso ya bona e fetang boemo ho ya ka tlhahlobo ya mosebetsi, 1 Mmesa 2002 ho ya ho 31 Hlakubele 2003 ho latela PSR 1.V.C?
Theibole 3.4 e kgutsufatsa ba unang molemo ho tse ka hodimo, ho ya ka morabe, le ho se itekanele.
Theibole 3.4 Sesupo sa basebetsi bao boemo ba meputso ba bona bo fetang bo behilweng ho ya ka tlhahlobo ya mosebetsi, 1 Mmesa 2002 ho ya ho 31 Hlakubele 2003 ho latela PSR 1.V.C?
Karolo ena e fana ka tsebiso mabapi le diphetoho selemong sa ditjhele. Tahlehlelo ya basebetsi e fana ka sesupo sa ditlwaelo nalaneng ya khiro ya lefapha. Ditheibole tse latelang di fana ka kakaretso ya direiti tsa tahlehelo ya mesebetsi ho latela sehlopha sa meputso (Theibole 4.1) le ho latela maemo a bohlokwa (Theibole 4.2). (Mesebetsi ena ya bohlokwa e lokela ho tshwana le e hlahellang lenaneng la Theibole 2.3)?
Theibole 4.3 Mabaka a sehlooho ao basebetsi ba tsamayang lefapheng?
Theibole 4.3 e fana ka mabak a hore ke ka baka lang basebetsi ba lebohang mosebetsi.
Ditheibole karolong ena di thehilwe mokgweng o hlahellang Molaong wa Tekano Khirong, wa 55 wa 1998.
Ho kgothalletsa tshebetso e ntle, lefapha le fane ka dimpho tse latelang nakong ya selemo se ntseng se lekolwa. Tsebiso e fanwa ho latela borabe, bong, le ho se itekanele (Theibole 6.1), dihlopha tsa meputso (Theibole 6.2) le mesetsi e hlokolotsi (Theibole 6.3).
Ditjeho tse akaretsang ho ya ka mosebetsi ka mong R?
Ditheibole tse ka tlase di kgutsufatsa khiro ya basebetsi ba matjhaba ka hara lefapha ho latela dihlopha tsa meputso le mesebetsi ya sehloho. Ditheibole di boela di etsa kakaretso ya diphetoho tsa Peresente ya palo yohle ya basebetsi sehlopheng ka seng sa sehloho sa meputso le mosebetsing ka mong.
Komishene ya Tshebeletso tsa Setjhaba e ile ya hlokomela tlhokeho ya ho beha leihlo ka hloko lifi ya bakudi ka hara tshebeletso ya setjhaba. Ditheibole tse latelang di fana ka sesupo sa tshebediso ya lifi ya bakudi (Theibole 8.1) le ya ho se kgone ho etsa letho (Theibole 8.2). Dintlheng tsena bobedi, kakanyo ya ditjeho tsa lifi le yona e fanwe.
Theibole 8.3 e akaretsa tshebediso ya lifi ya selemo ka seng. Tumellano ya meputso e ile ya qeta le mekgatlo ya basebetsi ho PSBC ka 2000, e sa ntsane e batla tsamaiso ya lifi ya selemo ka seng ho thibela maemo a lifi e bokelletswang e lefuwang nakong ya ho kgaotsa teboho ya mosebetsi.
Na e be lefapha le ile la beha setho sa SMS ho kenya dipehelo tse leng Karolong ya IV E ya Kgaolo ya 1 ya Melawana ya Ditshebeletso tsa Setjhaba, 2001 Ha ho le jwalo, fana ka lebitso le maemo a sona?
Na lefapha le na le yuniti e ikemiseditseng kapa le behile basebetsi ba itseng ka ho qolleha ho kgothalletsa bopehelo bo botle le tshebetso e ntle ya basebetsi ba lona E bang ho le jwalo, hlalosa lenane la basebetsi ba nang le seabo mosebetsitng ona le tekanyetso ya selemo ka seng e teng bakeng sa morero ona?
E ka ba lefapha le se le hlahisitse Lenaneo la Thuso kapa Kgothalletso ya Bophelo bo Botle bakeng sa basebetsi E bang ho le jwalo, bontsha masupi/ditshebeletso tsa bohlokwa tsa Lenaneo lena?
Kwetliso le temohiso. Teko le Tataiso ya Boikgethelo le mefuta e meng ya tshebeletso tsa tataiso.
E ka ba lefapha le se le thehile (a) (di)komiti jwalo ka ha ho hlahella Karolong VIE.5 (e) ya Kgaolo ya 1 ya Melawana ya Ditshebeletso tsa Setjhaba E bang ho le le jwalo, fana ka mabitso a ditho tsa komiti le ba nang le seabo bao ba ba emetseng?
Mong F Sesedinyane?
Mma L Hadebe?
Na lefapha le lekotse maano le ditlwaelo tsa lona tsa khiro ho netefatsa hore tsena ha di kgetholle ka ho sa nepahalang basebetsi ba ho ya ka maemo a bona a HIV Ha ho le jwalo, lokodisa maano/ditlwaelo tsa khiro tse hlahisitsweng?
E ka ba lefapha le kentse mehato ya ho sireletsa basebetsi ba nang le HIV kapa bao ba nkuwang ba na le yona kgethollong Ha ho le jwalo, etsa lenane la dintlha tsa bohlokwa tsa mehato ena?
Leano le teng le ile la boela la hlahlojwa le ho buisanwa ka lona ka baka la ho arohana ha lefapha.
E ka ba lefapha le kgothalletsa basebetsi ba lona ho kenela Teko le Tataiso ya Boithaopo Ha ho le jwalo, fana ka diphetho tseo le di fumaneng?
Batho ba bangata ba fumanang tataiso ya pele ho teko ha ba be ba se ba eya ho ilo etsa diteko. Ba bararo ba ileng ba etsa diteko ha ba ya kgutla ho tla lata dipheto.
Na lefapha le hlahisitse mehato/masupi ho beha leihlo le ho hlahloba sekgathla sa mananeo a lona a kgothalletso ya bophelo bo botle Ha ho le jwalo, hlahisa mehato/masupi ao?
Ditumellano tse kopanetsweng tse latelang di ile tsa etswa ke mekgatlo ya basebetsi ka hara lefapha.
Theibole e latelang e kgutsufatsa sephetho sa dikopano tsa kgahlemo tse ileng tsa tshwarwa ka hara lefapha selemong se lekolwang.
Palo ya ditjeho R?
Ditjeho tsa ho fanyeha R?
Karolo ena e hlakisa diteko tsa lefapha mabapi le ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi.
Ditheibole tse latelang di fana ka tsebiso ya motheo ya ho lemana mosebetsing.
<fn>sot_Article_National Language Services_PHETOLO YA BILI YA NA.txt</fn>
Jwalo ka ha e hlahisitswe Sebokeng sa Setjhaba jwalo ka Bili ya karolo ya 75l; kakaretso ya tlhaloso ya Bili tse phatlaladitsweng Koranteng ya mmuso ya No.
Mantswe a ngotsweng ka botsho masakaneng a sekwere a supa ho siiuweng ditshisinyong tse leng teng ha jwale.
Mantswe a sehetsweng mola ka tlase a supa ho kentsweng ditshisinyong tse leng teng ha jwale.
Ya ho fetola Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 1998, ka ho hlakola le ho kenya ditlhaloso tse itseng; ho kenya Khomishene ya Dipapadi sebakeng sa SASCOC; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le ona.
Karolo ya 1 ya Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 1998 (oo mona o tla tsejwa ka Molao o ka sehloohong), mona e fetolwa ka?
a ho hlakolwa ha tlhaloso ya Seboka se Akaretsang?
d ho nkuwa sebaka sa tlhaloso ya federeishene ye naha sa tlhaloso e latelang: federeishene ye naha ho bolelwa mokga wa naha o laolang wa khoutu ya dipapadi kapa ketsahalo ya boikgathollo Rephaboliking o elwang hloko ke mokga o tshwanetseng wa matjhaba o laolang bakeng sa tsamaiso ya 15 le taolo khoutu e amanang le yona ya dipapadi kapa ketsahalo ya boikgathollo ka hara Rephaboliki;?
e ho hlakolwa ha tlhaloso ya NOCSA?
f ho hlakolwa ha tlhaloso ya lefapha la provinse la dipapadi le boikgathollo?
g ho hlakolwa ha tlhaloso ya Mokgatlo wa Boikgathollo?
i ho hlakolwa ha tlhaloso ya SISA?
j ho kengwa ha ditlhaloso tse latelang ka mora tlhaloso ya SISA: SASCOC 25 e bolela mokga wa dipapadi o seng tlasa mmuso o bopilweng ka dikarolo tse latelang?
Dipapadi le Boikgathollo;?
mokgatlo wa dipapadi kapa boikgathollo?
Ejensi kapa mokgatlo, o amehang tsamaising ya dipapadi kapa boikgathollo boemong ba naha;?
l ho hlakolwa ha tlhaloso ya Khomishene ya Dipapadi?
m ho hlakolwa ha tlhaloso ya Mokgatlo wa Dipapadi; le n ho hlakolwa ha tlhaloso ya WASSA?
Karolo ya 2 ya Molao o ka sehloohong mona e fetolwa ka?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e ka re, nako le nako, ya hlahisa ditataiso bakeng sa kgothaletso le ntshetsopele ya tshebetso e hodimo ya dipapadi le boikgathollo.?
Yona mabapi le diketsahalo tse boletsweng temaneng e nyenyane ya a temana ya (a).?
Mekga yohle ya dipapadi le boikgathollo e lokela ho rerisana le ho hokahana le [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC tabeng efe kapa efe e laetsweng ke molawana.?
Karolo ya 3 ya Molao o ka sehloohong mona e ya hlakolwa.
Ke Molao ona.
E mabapi le?
b ditaba tseo ho ka shejanwang le tsona tumellanong ya boemo ba tshebeletso mme tse ka kenyelletsang maemo a amohelehileng, ditsela tse hlokehang le dibeo tsa ho lekanya le ho lekola ho phethw aha mesebetsi ya SASCOC ka ho ya ka Molao ona.?
Karolo ya 4 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa (a) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: Letona, ka mora ho rerisana, le ka mora ho ela hloko ditshisinyo tse entsweng ke [Khomishene ya Dipapadi] [NOCSA, mabapi le Dipapadi tsa di-Olimpiki,] SASCOC nako le nako, la hlwaya leano le akaretsang le tla latelwa mabapi le dipapadi le boikgathollo.; (b) ka ho kenya karolong e nyenyane ya bakeng sa temana ya (b) temana ena e latelang: (b) ho fana ka ditjhelete selemo le selemo bakeng sa ho thehwa le ho ntlafatswa ha dibaka tsa merero e mengata e fapaneng ya dipapadi le boikgathollo ka ho latela dipehelo tsa karolo ya 10 le ka ho ya ka dintho tse ka hodimo lenaneng, jwalo ka ha di tla behwa, nako le nako, ke [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC ka therisano le mekgatlo e tshwanetseng ya dipapadi le boikgathollo ya diprovinse le selehae;?
Karolo ya 5 ya Molao o ka sehloohong mona e a hlakolwa.
Karolo ya 6 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa (a) ka ho kenya sehlooho se latelang: Difedereishene tsa naha [le boikgathollo] (b) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: Difedereishene [Tsa Naha] [le boikgathollo] di lokela ho ba le boikarabelo bo felletseng ba ditaba tsa polokeho dikarolong tsa tsona tsa dipapadi le boikgathollo.; (c) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: Difedereishene [Tsa Naha] [le boikgathollo] di lokela ho ba le seabo se mafolofolo mananeong a tshehetsang le ditshebeletsong tsa [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC.?
Ya hlahisa le ho ntjhafatsa ka mokgwa o tswelang pele moralo o yang ka leano bakeng sa thuto le thupelo.?
Karolo ya 8 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC [e tla] e lokela hore, ka ho latela leano la yona la ho thusa ka ditjhelete le [dipehelo tsa] karolo ya 10, e fane ka dibaka tsa dipapadi le boikgathollo boemong ba naha, ka ho ya ka ho ba teng ha ditjhelete.?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC [e tla] e lokela hore ha e rera dibaka tseo, e etse bonnete ba hore ho bile le kelo hloko e ikgethang ya phihlelo dibaka tseo ke batho ba dipapadi le babohi ba sa itekanelang.?
Karolo ya 9 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela ho hlophisa mananeo ao sepheo sa ona e leng ho susumetsa setjhaba ho bapala.?
c ho kenya karolong e nyenyane ya 2 mantswe a reng Khomishene ya Dipapadi temaneng ya c ya mantswe ana SASCOC?
Karolo ya 10 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 bakeng sa mantswe a etelletseng pele temana ya a ya mantswe a latelang: ?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela hore, ha e aba ditjhelete ho difedereishene [le boikgathollo] tsa naha, e hlwaye tekanyetso ya thuso ya ditjhelete e lokelwang ho sebediswa bakeng sa ntshetsopele.?
Karolo ya 11 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela ho thea boto ya mebala ya naha e tla ela hloko dikopo tsohle tsa ho fana ka mebala ya naha.?
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e ka re, nako le nako, ya fana ka dikgothaletso bakeng sa bahlodi ba dipapadi le ba sebetsang ka tsa boikgathollo.?
Karolo ya 13 ya Molao o ka sehloohong mona e fetolwa ka?
a ho kenya karolong e nyenyane ya 2 mantswe a reng Khomishene ya Dipapadi mantsweng a SASCOC?
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 3 mantswe a reng Khomishene ya Dipapadi mantsweng a reng SASCOC?
c ka ho kenya karolong e nyenyane ya 4 mantswe a reng Khomishene ya Dipapadi mantsweng a reng SASCOC?
Le ha ho na le ditlhophiso tsa karolo e nyenyane ya 4, letona le ka kena dipakeng ngangisanong efe kapa efe, tsamaisong efe kapa efe e sa lokang, kapa tabeng efe kapa efe e amanang le dipapadi le boikgathollo e ka behang dipapadi le boikgathollo ka mosing.
Le ha ho na le ditlhophiso tsa karolo e nyenyane ya 5, letona le ke ke la kena dipakeng ditabeng tse mabapi le ho kgethwa ha dihlopha.
Ha le kena dipakeng ka ho ya ka karolo e nyenyane ya 5, letona le ka?
a lebisa taba eo bonamoding; kapa b la fana ka taelo.
Pele le fana ka taelo ka tlsa karolo e nyenyane ya 7b, Letona le lokela hore, ka tsebiso e ngotsweng e fuweng bohle ba amehang?
a le tsebise bao ba amehang ka menyenyetsi le ka maikemisetso a lona a ho fana ka taelo; mme b le nehe ba amehang monyetla wa ho araba matsatsing a 30 ka mora ho ba tsebiso e tswe.
Ntle le ho kgeloha ditokelong tsa bao ba amehang, qeto e nkuweng ka ho ya ka karolo e nyenyane ya 7 e tla ba e tlamang bohle ba amehang.?
A. (a) Letona le ka fana ka ditataiso kapa maano a ho kgothaletsa tekatekano, boemedi le tokiso dipapading le boikgathollong.
b Ditataiso kapa maano a jwalo a lokela ho latela diprothokholo, ditumellano le ditshepiso tsa matjhaba.
B. Mokgatlo ka mong wa dipapadi kapa boikgathollo o lokela hore pele ho la 1 Mmesa selemong se seng le se seng o romele ho Sport and Recreation South Africa ka ho se ngolla, dipalopalo jwalo ka ha ho tla laelwa.?
Letona, ka mora ho rerisana le [Khomishene ya Dipapadi,] SASCOC, le ka etsa melawana?
j e amanang le dikgothaletso bakeng sa ba atlehileng dipapading le ba sebetsang ka tsa boikgathollo; jA bakeng sa kickboxing, ditebele, karate, wrestling, taekwando, judo le mofuta ofe kapa ofe o mong wa dipapadi tsa ho lwana; jB ho fokotsa menyetla ya ho tswa kotsi papading efe kapa efe kapa ketsahalo ya boikgathollo e fapaneng le ditebele, kickboxing, karate, wresling, taekwando, judo jj.
jF le bakeng sa taolo ya batho ba dipapadi ba tswang dinaheng tse ka ntle mona Afrika Borwa; jG le ho shahla ha indasteri ena; jH le mabapi le diketsahalo tse kotsi tsa dipapadi le boikgathollo; mme k ka kakaretso, le tabeng efe kapa efe e eo letona le ka bonang e hlokeha kapa e potlakile hore ho etswe melawana ka yona bakeng sa ho fihlela eng kapa eng ka ho ya ka Molao ona.?
Karolo ya 15 ya Molao o ka sehloohong mona e a hlakolwa.
Ho lokisetsa kgothaletso le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo le ho hokahanya dikamano pakeng tsda [Khomishene ya Dipapadi,] Sport and Recreation South Africa le SASCOC, difedereishene tsa naha [le tsa boikgathollo] le di-ejensi tse ding; ho lokisetsa mehato eo sepheo sa yona e leng ho lokisa ho se lekalekane ho leng teng dipapading le boikgathollong; [ho kgothaletsa tekatekano le demokerasi dipapading le boikgathollong;] ho lokisetsa mekgwatshebetso ya tharollo ya dingangisano dipapading le boikgathollong; ho neha letona matla a ho etsa melawana ya tshebetso; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le hona.?
Molao ona o bitswa Phetolo ya Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 2006.
Bili e lokisetsa tumellano ya boemo ba tshebeletso eo ho lokelwang ho kenwa ho yona ke Lefapha le SASCOC bakeng sa ho thea dikamano tsa molao pakeng tsa Lefapha le SASCOC (Polelo ya 5).
Bili hape e lokisetsa le thupelo ya baetapele ba dipapadi le boikgathollo (Polelo ya 9).
Bili hape e lokisetsa le hore letona le kene dipakeng ka boikgethelo ba lona ngangisanong efe kapa efe, menyenyetsing ya tsamaiso e sa lokang, kapa tabeng efe kapa efe e nngwe e amanang le hoo, dipapading le boikgathollong, ho sa kenyelletswe ditaba tse mabapi le ho kgethwa ha dihlopha (Polelo ya 14).
Bili hape e neha letona matla a ho hlahisa ditataiso kapa maano a ho ntshetsa pele makgabane a tekatekano, boemedi le tokiso dipapading le boikgathollong (Polelo ya 15).
Bili hape e lokisetsa le hore mokga o mong le o mong wa dipapadi kapa boikgathollo o hlahise dipalopalo tsa ditho tsa mokga oo jwalo ka ha ho ka laelwa (Polelo ya 13).
Baeletsi ba Molao ba Mmuso mmoho le Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo ba na le mohopolo wa hore Bili ena e lokela ho shejwa ka ho ya ka mokgwatshebetso o theilweng ke karolo ya 75 ya Molao wa Motheo ka ha e se na pehelo eo ka yona mokgwatshebetso o hlahisitsweng karolong ya 74 kapa 76 ya Molao wa Motheo e sebetsang ho ona.
Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le mohopolo wa hore ha ho hlokehe ho romela Bili ena Tlung ya Naha ya Marena ka ho ya ka karolo ya 18 (a) ya Molao wa Boetapele ba Setso le Moralo wa Puso, 2003 (Molao wa No. 41 wa 2003), ka ha e se na dipehelo tse mabapi le molao wa setso kapa ditso tsa baahi ba latelang meetlo.
<fn>sot_Article_National Language Services_PONELOPELE YA DIKAMAN.txt</fn>
Re le ditho tse amehang tsa setjhaba tse phelang ka temo, re itlama ho hlokomela hore ho be le basebetsi ba hlwahlwa ba lefapha la temo ba sebetsang sebakeng se bolokehileng malebana le maemo a lokileng a mesebetsi e le ho etsa bonnete ba hore lefapha la temo le ba le katleho e babatsehang.
Ho na le mekga e mengata ya dikamano mapolasing esita le kamohelo ya basebetsi mesebetsing e fapaneng, basebetsi ba nako tsohle, basebetsi ba dinako tse fapaneng tsa selemo tse fapaneng, ditlhophisetso tsa boemedi ba mesebetsing e fapaneng esita le dikontraka tsa nako tse badilweng e leng tse tsepameng.
Tlhahiso ya melawana e metjha ya mosebetsi e ekeletsa boramesebetsi le basebeletsi ba bona ditokelo le boikarabelo. Ho na le diketsahalo tse ding tseo ho tsona boramesebetsi le basebetsi ba bonahetseng ba ikgakanya melawana ena , mme ka hona ba qhekanyetswe ke batho ba itlhalosang ba ba thusa.
Batho bohle ba dulang polasing, e ka ba boramesebetsi le basebetsi, ba ka futuhelwa ke dinokwane. Ntshetsopele ya dikamano tsa basebetsi le tumello ya ho kena mapolasing e lokela ho sebediswa ho hlokomela taba ena.
Ho lokela hore ho hlomphuwe ditokelo tsa botho jwalo ka ha di phatlaladitswe Biling ya Ditokelo tsa Botho ho ikamahanya le Molao wa Motheo1.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tshwarwa le ho sebediswa hantle mosebetsing.
Motho a se qobellwe ho sebetsa.
Ho se sebediswe bana.
Ho be le bolokolohi ba ho ikgethela mokgatlo esita le ho dumellwa tokelo ya ho bokella batho le ho tshwara dipuisano tsa boipelaetso ka sehlopha.
Ho se be le kgethollo ho ya ka ho thola mosebetsi le mofuta wa mesebetsi.
Ditokelo tsa boramapolasi di lokela ho hlokomelwa, mme di se ke tsa nyediswa ke mang kapa mang ya amanang le mesebetsi ya temo. Taba ena ha e qhelele ka thoko basebeletsi ba mmuso, ditho tsa mekgatlo ya basebetsi, le baeti ba basebetsi ba mapolasi hore ba fumane tumello ya ho sebedisa thepa ya polasi ho ntse ho sa lebalwe mathata a botlokotsebe a ka hlahang.
Ho etsa hore basebetsi ba polasi ba be le mekgatlo ya bona e fapaneng, ho ba le dipuisano boemong ba lehae, lebatowa kapa naha kapa tsona dihlotshwana e le ho buisana ka dintlha tse amang paballo le polokeho mona mapolasing. Dipuisanong tsena ho lokela hore ho hlokomelwe le ho etsa bonnete ba hore masole a setjhaba le a poraevete a sebedisana hantle le beng ba mosebetsi esita le basebetsi ba mapolasi. Ho lokela ho hlokomelwa ntlha ya tekano ya basebetsi esita le ho nka mehato e tshwanelehang ho fedisa boitshwaro bo bobe ba masole ana.
Ho leka hore ho hlokomelwe hore ho be le tatelano e itseng pakeng tsa batho ba nang le seabo malebana le tumello ya ho kena mapolasing.
Ho matlafatsa Lefapha la Bohlahlobi la Mesebetsi esita le baemedi e leng ba sebeletsang hore ho be le ditokelo tsa basebetsi ba mapolasi.
Lifi ho kenyeletswa lifi e tlang hanngwe ka selemo, lifi ya ho kula esita le lifi bakeng sa ho beleha.
Dilemo tseo bonyane di sebeditsweng mosebetsing o itseng.
Beng ba mosebetsi bohle mapolasing ba lokela ho ikobela le ho ikamahanya le Molao ona wa Maemo a Motheo/Bohlokwa Msebetsing.
Basebetsi bohle ba mapolasing ba lokela ho leshwa moputso o kgotsofatsang.
Bana ba dilemo tse ka tlase ho leshome le metso e mehlano ha ba tshwanela ho sebediswa mapolasing. Bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le dilemo tse leshome le metso e robedi ba lokela ho sebediswa feela mesebetsi e seng kotsi, e sa sitiseng menyetla ya bona ya thuto, mesebetsi e ke keng ya ba lematsa , mmeleng, moyeng, boitshwarong kapa tswelopeleng ya bona setjhabeng.
Dintlha tsa kamohelo ya basebetsi ba dihla tse itseng, basebetsi ba sebetsang ka kontraka e tsepameng esita le mekgwa e meng ya kamohelo mosebetsing di lokela ho hlahlojwa nako le nako , mme ba lokela ho fumantshwa menyetla e tshwanang le ya basebetsi ba nako tsohle.
Basebetsi ha ba lokela ho tlatlapuwa esita le ho lebellwa hore ba saene dikontraka tse ba etsang beng ba ikemetseng ba dikontraka empa e le hore bonnete ke basebetsi feela?
Ho lemosa le ho ruta beng ba mosebetsi le basebetsi ka ditokelo tsa bona le tseo ba lokelang ho di etsa. Hona ho lokela ho kenyeletsa pepeso ya kotsi e ka hlahelang beng ba mosebetsi le basebetsi ka ho fetola basebetsi boradikontraka ba ikemetseng?
Ho ba le seabo ha beng ba mosebetsi le basebetsi tshebetsong ya ho totobatsa boikemisetso ba bona.
Tshebediso ya boikemisetso , mme ho ntse ho hlokometswe maemo a temo a kenyeletsang diphetoho le dintlafatso moo ho hlokehang.
Ho matlafatsa bohlahlobi , mme ho hlile ho hodiswa dikamano tse ntle le tshebedisano pakeng tsa bohlahlobi le ba nang le seabo mapolasing.
Ho nkuwe dikgato tse thata kgahlano le ba sa ikamahanyeng le Molao wa Maemo a Motheo/Bohlokwa Mosebetsing, haholoholo dintlha tse hlalositsweng malebana le ho sebediswa ha bana.
Ho lemosa setjhaba esita le batswadi mabapi le kotsi ya ho kenya bana mosebetsing.
Tshebediso ya melawana e laolang tshebediso ya bana ba pakeng tsa dilemo tse leshome le metso e mehlano le ba dilemong tse leshome le metso e robedi e le ho etsa bonnete ba hore ha ba sebetse mosebetsi o ka bang kotsi ho bona le ho nyopisa tswelopele ya bona.
Diqabang kapa dikgohlano tsa basebetsi mapolasing di lokela ho fokotswa ka ho hlokomela hore bohle ba amehang ba laola maemo ana hantle. Basebetsi le beng ba mosebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore tseo ba di etsang ke tse molaong le tse amohelehang.
Mapolasing ohle ho lokela hore ho be le tsela e nepahetseng ya ho laola diqabang esita le ho ahlola dinyewe.
Beng ba mosebetsi le basebetsi ba na le bolokolohi ba ho amana le mekgatlo e itseng. Hona ho bolela hore ho ingodisa mekgatlong ya kgwebo kapa mekgatlong eo beng ba mesebetsi ba ikgethetseng yona.
Ho fumana mekgwa eo ka yona Mokgatlo wa Bonamoledi o ka thusang ho fedisa dikgohlano tse teng lefapheng la temo.
Boitsebelo ba basebetsi ba mapolasi bo lokela ho ntshetswa pele e le ho atlehisa tlhahiso le ho ba boemong ba ho ka amohelwa mosebetsing.
Basebetsi ba mapolasi ba lokela ho rupellwa esita le hona ho tshehetsa batho ba kwetlisang basebetsi.
Ho lokela ho nkuwe mehato e bonahalang bakeng sa mathata a bileng teng ka dinako tse fetileng e leng mathata a bakileng hore basebetsi ba mapolasi ba dule ba ntse ba sa fumana monyetla wa thuto. Hona ho kenyeletsa dithuto tsa batho ba baholo tsa ABET esita le ho etsa bonnete ba hore Lefapha la Thuto le a thusa ka lenaneo lena la thuto la thuto ya batho ba baholo la ABET.
Mosebetsi ona o lokela ho etellwa pele ke Bolaodi bo botjha ba Lefapha la Thuto le Thupelo bakeng sa merero ya Temo , mme o be o tshetswe ke beng ba mosebetsi le basebetsi ba mapolasi. Moralo ona wa lefapha o lokela ho ntshetswa pele le ho sebediswa.
Moo ho nang le dikolo tsa mapolasi, beng ba mapolasi ba lokela ho kgothaletswa ho sebetsa hammoho le Lefapha la Thuto e le ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba mapolasi ba fumana thuto.
Maemo a tshebetso mapolasing a lokela ho kgotsofatsa , mme e be a bolokehileng le a hlokomelang hore ho be le bophelo bo botle. Maemo ana a kenyeletsa boipaballo kgahlano le mafu a tshwaetsang a ka fumanwang hona mosebetsing esita le dikotsi.
Beng ba mapolasi ba lokela ho hlahlobisa hantle hore ha ho na maemo a ka bakang dikotsi mapolasing a bona esita le ho loha maqheka a ho fokotsa mathata a jwalo esita le hona ho fumana mokgwa wa thibelo ya dikotsi tse jwalo.
Basebetsi ba lokela ho ba le hona ho sebedisa thuso ya pele esita le ho alashwa ka ho fuwa meriana.
Basebetsi ba lokela ho fuwa tokelo ya ho fumantshwa dihlapiso haeba ba tswile dikotsi mosebetsing kapa ba tshwaeditswe mosebetsing. Bakeng sa ho ntshetsa pele morero ona, basebetsi ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng le fanang ka Dihlapiso , mme ba be ba lefelle thuso tseo ba di etseditsweng.
Ho hlokomela hore beng ba mosebetsi ba abela basebetsi diaparo tse tshwanelang mosebetsi oo ba o etsang esita le disebediswa esita le hona ho ba le thuso ya pele.
Ho hlokomela hore ho be le taolo ya tjhefu ya dikokwanyana esita le tsela e bolokehileng ya ho sebedisa metjhini ya ho lema esita le disebediswa tse ding.
Ho hlahlojwa botjha ha melawana ena e ntseng e sebediswa e le ho etsa bonnete ba hore e nepahetse , mme e tshwanela batho ba mapolasi.
Ho be le letsholo la ntshetsopele ya phadimehiso le thuto mabapi le kamoo ho ka hlokomelwang bophelo bo botle le bona boipaballo metseng ya mapolasi ka teng.
Ho ntshetsa pele mekgwa ya ho ntlafatsa menyetla ya basebetsi ba mapolasi esita le boramapolasi ya ho fumantshwa thuso Letloleng la Dihlapiso haeba ho na le kotsi e hlahileng mosebetsing kapa yona tshwaetso e bileng teng mosebetsing.
Basebetsi ba na le tokelo ya ho fumana menyetla ya inshorense haeba ba tswile mosebetsing. Bakeng sa ho kgona ho phetha sena beng ba mapolasi ba lokela ho ingodisa Letloleng la Inshorense bakeng sa batho ba sa sebetseng mmba be ba lefe diabo tsa bona le tsa basebeletsi ba bona.
Boramapolasi ba lokela ho leka ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba mapolasi ba na le menyetla ya tshebeletso ya dipenshene, mekgatlo ya phumantsho ya meriana esita le menyetla ya ho patwa ha bafu.
Boramapolasi bao basebetsi ba bona ba dulang hona polasing moo ba lokela ho hlokomela hore matlo a basebeletsi ba bona esita le tsamaiso ya metsi di maemong a kgotsofatsang.
Ho fumana ditsela tseo ka tsona boramapolasi ba ka thusang basebetsi ba mapolasi ka tsona ho ntshetsa pele maemo a bona setjhabeng esita le ho tataisa boramapolasi malebana le taba ena.
Ho sebedisana le Lefapha la Meaho esita le baemedi ba mmuso e le ho abela basebetsi ba mapolasi matlo esita le tsamaiso ya metsi e maemong a lokileng.
Tlhahiso e ka ntshetswa pele ke dintlha tse ngata tseo hara tsona re ka qollang boitsebelo bo phahameng, kgotsofalo mosebetsing, tshebediso e nepahetseng ya thekenoloji, jwalojwalo , mme hona ke boikarabelo ba rapolasi le mosebeletsi wa hae.
Beng ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho hlwaya dintlha tse ka bakang tswelopele ya tlhahiso sebakeng seo ho sebetswang ho sona.
E le ho ntshetsa pele taba ena, beng ba mapolasi le basebeletsi ba bona ba lokela ho itllama ho ntshetsa pele tlhahiso, esita le boitshwaro bo botle mosebetsing, jwalojwalo.
Ho hlahlojwa ha basebetsi bakeng sa ho tseba hore na ba na le lefu la AIDS kapa tjhe ke ntho e sa dumellwang ho latela Molao wa Tekano ya Basebetsi.
Beng ba mesebetsi ba lokela ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba dulang polasing ba fumantshwa thuto le phadimehiso esita le fadimehisa batho ka tshebediso ya dikhondomo le hona ho kgothatsa ba kulang.
Ho thusa beng ba mosebetsi ho fadimehisa basebeletsi ba bona ka mananeo a boipaballo.
Ho tsepamisa nako eo ka yona ho ka fanwang ka mananeo a boipaballo moo banna le basadi ba lokelang ho ka kenela mananeo ana. Ketsahalo ena e ka nna ya ba nakong ya dihora tsa tshebetso.
Ka nako eo ka yona basebeletsi ba fokotswang mosebetsing, ho lokela ho latelwa dintlha tse totobaditsweng Karolong ya 189 ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, , mme haeba ho hlokeha, ho latelwe hape Moralo wa Setjhaba.
Beng ba mapolasi ba thuswe haeba ho hlokeha jwalo.
Basebetsi ba naha ya rona ya Afrika Borwa le basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho tshwarwa ka tsela e tshwanang.
Basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba lokela ho ngodiswa hantle ka tshwanelo e le ho ikamahanya le dintlha tsa molao wa batho ba fallelang naheng ya rona.
Ho sebetsa hammoho le Lefapha la Ditaba tsa Lehae esita le Lefapha la Mesebetsi e le ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba hlahang dinaheng tse ding ba amohelwa feela ha ho se na batho ba ka phethang mosebetsi oo e le ba naha ya rona.
Ditsheneyehelo tsa tshebetso di lokela ho fokotswa e le ho ntshetsa pele tshebetso ya boramapolasi. Boramapolasi ba banyenyane ba angwa ke ditshenyehelo tse phahameng tsa tshebetso.
Ditlhophiso tsena tse ntjha di lokela ho sebediswa ka tsela ya ho fa bangga ba mesebetsi menyetla e mengata ya kgetho bakeng sa nako eo ka yona ho ka leshwang dinyehelo.
<fn>sot_Article_National Language Services_PROJEKE YA TISSA E NT.txt</fn>
Na TISSA ena ke eng?
TISSA e emetse Telephone Interpreting Service for South Africa (Tshebeletso ya Afrika Borwa ya ho Toloka ka Thelefounu). Tshebeletso ena e tla etsa hore baahi ba naha ya Afrika Borwa ba kgone ho fihlela ditshebeletso tsa mmuso ka dipuo tsa bona. Toloko ke yona e tla tlosa ditshitiso tsa dikgokahano, mme hoo e ho etsa ka thelefounu?
Ke mang ya nang le boikarabelo ba TISSA?
TISSA ke mosebetsi o sibolotsweng ke ba Tshebeletso ya Setjhaba ya Puo e ka hara Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji (DACST), mme lefapha lena le e thusa ka ditjhelete ka kopanelo ke Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PANSALB). Kabinete e tjhaetse monwana tshebeletso ya teko ya TISSA ka 1998.
Ho tea mohlala, haeba wena le ngaka ha le utlwane ka baka la dipuo tsa lona, wena kappa ngaka e ka letsetsa nomorong e le nngwe e sa lefellweng e tla ho kopanya le ba setsing sa mehala (se tla ba Bloemfontein).
Setsing seo sa mehala, mohokahanyi wa mehala o tla ho hokela tolokong e tla kgona ho bua puo ya hao le puo ya ngaka.
Ngaka e tshwanetse ho ba le thelefounu e nang le sepikara, kappa ho be le dithelefounu tse pedi tse hoketsweng sokheteng e le nngwe, e le hore wena le ngaka le tle le kgone ho mamela toloko ka nako e le nngwe.
Ngaka e tla bua le toloko, e be yona e ho tolokela molaetsa oo.
O tla araba toloko e be yona e tolokela ngaka hore o ntse o reng.
Ke dipuo dife tse tla tolokwa ke ba TISSA?
TISSA e tla fana ka ditshebeletso dipuong tsohle tse leshome le motso o le mong tsa semmuso ekasitana le Puo ya Matsoho ya ditholo.
Ke dibaka dife tse lebeletsweng?
TISSA e tla ba le seabo sa bohlokwa ntshetsopeleng ya ditokelo tsa puo, mme hoo ho tla kenyeletsa le ditokelo tsa botho, mona Afrika Borwa.
TISSA e tla ba le seabo sa bohlokwa kgothaletsong le tshebedisong ya dipuo tsohle tsa semmuso.
Taba ya tlhokeho ya mesebetsi e ka rarollwa, ka ha ke batho ba ka bang 40 ba nang le bokgoni empa ba hloka mesebetsi ba tla thaothwa bakeng sa tshebeletso ena, athe bona ba tla kgethwa hara ba entseng dikopo e be ba rupellwa ho ba ditoloko tse sebedisang dithelefounu.
Tshebeletso ya teko e tla thakgolwa dibakeng tse kgethuweng ka hloko tsa mahaeng le tsa ditoropong mona Afrika Borwa.
Tshebeletso ya teko ya TISSA e tla ba e fapaneng ka botlalo le tse ding ka ha e tla be e le ya ho qala ya mofuta wa yona mona Afrika!
TISSA e tla fumaneha ho tloha ka la 18 Tlhakubele 2002 ho ya fihla ho la 31 Mphalane 2002, ho tloha ka 08:00 (hora ya borobedi hoseng) ho fihlela ka 16:00 (hora ya bone mantsiboya), matsatsing a mahlano a beke, Mantaha ho fihlela Labohlano.
Ha teko ena, ka mora nako ya dikgwedi tse 8, e boheha e atlehile, tshebeletso e tla tswela pele e atoloswe hore e kenyeletse le dipuo tse ding, e sebetse dihora tse 24 ka letsatsi, matsatsi a supileng ka beke, mme e fumanehe thelefounung e nngwe le e nngwe e ka hara naha!
Dintlha tse tla fumanwa tshebeletsong ena e ntseng e lekwa di tla re tsebisa hore na re ka etsa dikgothaletso tse yang Kabineteng bakeng sa tshebeletso e felletseng ho tloha mathwasong a selemo sa 2003.
Na o batla ho tseba haholwanyane?
Tokomane ena e fumaneha hape le ka dipuo tse ding tse 10 tsa semmuso.
<fn>sot_Article_National Language Services_PROTHOKHOLO YA TLATSE.txt</fn>
Rephaboliki ya Afrika Borwa, tseo mmoho mona di bitswang Mekga e leng Teng ya Tumellano?
KA HO HLOKOMELA Tumellano ya Kgwebo, Ntshetsopele le Tshebedisano mahareng a Dinaha tsa Yuropa le Dinaha tseo e leng Ditho, ka lehlakoreng le leng, le Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka lehlakoreng le leng hape, e bitswang TDCA?
Ditifikeiti tsa suthiso tsa EUR.
Ha tiisetso ya tshupamolato e etswa ke moromedi ya dumelletsweng ka moelelo wa Athikele ya 20 ya Prothokholo, nomoro ya tumello ya moromedi ya dumelletsweng e tshwanetse ho kengwa sebakeng sena. Ha tiisetso ya tshupamolato e sa etswe ke moromedi ya dumelletsweng, mantswe a ka masakaneng a tlilo tlohelwa kapa sebaka sa tlohelwa se sena letho.
Boemo ba mantlha ba dihlahiswa bo lokelwa ho bontshwa. Ha tiisetso ya tshupamolato e amana ka botlalo kapa ka karolo le dihlahiswa tse tswang Ceuta le Melilla ka ho ya ka moelelo wa Athikele ya 36 ya Prothokholo, moromedi o tshwanetse ho bolela ka ho hlaka tokomaneng eo ho yona tiisetso e etswang ka ho sebedisa letshwao lena CM?
Ditshupo tse di ka tlohelwa ha tlhahisoleseding e le teng ka tokomaneng.
Sheba Athikele ya 195 ya Prothokholo. Moo ho sa hlokeheng hore moromedi a saene, ho tla ba le tokollo ditlamong tsa ho saena mme hape hona ho tla lokolla ditlamong le lebitso la motho ya saenneng.
Rephaboliki ya Afrika Borwa e itlama hore e ke ke ya etsa tseko efe kapa efe, kopo kapa ho romela kapa ho fetola kapa ho hula tumellano efe kapa efe ka ho ya ka Diathikele tsa GATT 1994 XXIV.6 le XXVIII mabapi le kgodiso ya Setjhaba. Ho fihlela mafelong a Phupu 2004, mme le ha ho le jwalo, Setjhaba se tla kgahlwa ho ela hloko ho ba le ditherisano tse ding hape ka tlasa Athikele ya 22.2 ya TDCA.
Dipehelo tsa Tumellano di tla sebediswa thepeng e romelwang ho tswa Afrika Borwa di leba ho e nngwe ya Dinaha tse ntjha tsa Ditho kapa ho tswa ho e nngwe ya Dinaha tse ntjha tsa Ditho di leba Afrika Borwa, tse latelang dipehelo tsa Prothokholo ya 1 ho TDCA hape tseo ka baka la tumellano di leng tseleng kapa di le polokelong ya nakwana, ka polokelong ya thepa kapa sebakeng se sa sebedisweng mona Afrika Borwa kapa Naheng e ntjha eo e leng Setho.
Tlhokomelo eo ho tla fanwa ka yona dintlheng tse jwalo, ka ho ya ka tlhahiso ho bolaodi ba thepa ba naha bo rekang thepa ho tswa ka ntle, ho tloha dikgweding tse nne tsa mohla tumellano, le bopaki ba mohlodi o sebedisitsweng ke bolaodi ba thepa ba naha e romelang ka ntle.
Mabapi le selemo sa 2004, dikeketso tsa divolumu tsa ditekanyetso tse leng teng tsa ditekanyetso ka ho ya ka divolumu tsa motheo, ho elwa hloko karolo ya nako e fetileng ya pele ho la 1 Motsheanong 2004.
Prothokholo ena e tla bopa karolo ya bohlokwa ya Tumellano ya Kgwebo, ya Ntshetsopele le Tshebedisano mahareng a Dinaha tsa Yuropa le Dinaha tsa tsona tseo e leng Ditho le Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Prothokholo ena e tla dumellwa ke Dinaha, ka Lekgotla la Kopano ya Dinaha tsa Yuropa lebitsong la Dinaha tseo e leng Ditho, le ke Rephaboliki ya Afrika Borwa ho ya ka mekgwa ya yona ya tshebetso.
Mekga e tla tsebisana ka phethahatso ya mekgwa ya tshebetso e tsamaelanang le hona eo ho buuweng ka yona temaneng e fetileng. Ditokomane tsa tumello di tla bolokwa Bongoding bo Akaretsang ba Lekgotla la Kopano ya Yuropa.
Prothokholo ena e tla kena tshebetsong letsatsing la ho qala la kgwedi ya ho qala ka mora letsatsi la ho bolokwa ha tokomane ya ho qetela ya tumello.
Ho sa qhellwe thoko temana ya 1, Mekga e dumela hore, ho sa emetswe phethahatso ya mekgwa tshebetso ya ka hare bakeng sa ho kena tshebetsong ha Prothokholo, e tla e sebedisa bakeng sa nakwana ho tloha ka 1 Motsheanong 2004.
Prothokholo ena e ngotswe ka dikhopi tse tsamayang ka bobedi ka puo tsohle tsa semmuso tsa Mekga e keng Tumellanong jwalo ka ha di boletswe Athikeleng ya 2, mme se seng le se seng sa sengolwa seo se sebetsa e le sa sebele.
<fn>sot_Article_National Language Services_PROTHOKHOLO.txt</fn>
Diphetolo tse Melawaneng ya Molao wa Thuso ya Phedisano wa nomoro ya 59 wa 1992, tse kentsweng tshebetsong ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001, di hlophisetsa ho thehwa ha meifo ya tekolo, eo ditho tsa yona di tla kgethwa ke Molaodi Kakaretso, bakeng sa ho lekola dintlha e be ho hlwauwa kgolofalo le tlhokomelo ya motho ka sepheo sa ho kgothaletsa ho fana ka dithuso.
Ho etsa bonnete ba hore tekolo ya kgolofalo le tlhokomelo ya motho e etswa ka tsela e tla fihlelwa ha bonolo, ya setswalle, hape e se nang ditjeo tse ngata.
Ho nolofatsa nyalanyo ya ditshebeletso tsa phedisano le thuso tsa phedisano bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le phumantsho ya tshebeletso e felletseng bakeng sa batho.
Ho romela bakopi mehloding e meng ya thuso, ha e le teng.
Ho etsa bonnete ba hore ditekolo di qetwa mme di be di romelwe ofising e tshwanetseng ho ya sebetsa dikopo nakong e behilweng ke Lefapha.
Ho neha mokopi tsebiso e tshwanetseng bakeng sa ho tlatsa kopo ya thuso.
Ditho tsa moifo di tla dumellana le ditlhoko tsa Molawana wa 2 (a) wa Melawana ya Molao wa Thuso ya Phedisano wa Nomoro ya 59 wa 1992 jwalo ka ha o fetotswe ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001.
Mohlanka e moholo wa polokeho ya phedisano.
Moemedi ho tswa mokgeng wa batho ba holofetseng kapa setho se hlomphehang sa setjhaba se jwalo ka moruti, kgosi, makgistrata, kapa motho ya tsebang ka tse etsahalang hara setjhaba.
iv. Setho kapa ditho tse ding hape ka hodimo, ha ho hlokeha, tse tla tshwaneleha tshebetsong e itseng, jwalo ka ngaka kapa ngaka ya botsebi bo ikgethang, ngaka ya mahloko a kelello, basebetsi ba di-para medic, dingaka tsa setho, ho balwa feela ba mmalwa.
Lefapha le tla fana ka tshehetso e hlokehang ya tsamaiso.
O bitsa dikopano.
O okamela dikopano.
O neha moifo ditataiso, disebediswa, maano le melao e laolang dikopo tsa dithuso.
O etsa bonnete ba hore ditlhahiso tsa ditsamaiso tsa meifo di ngolwa fatshe ka nepahalo.
O etsa bonnete ba hore ditekolo di phethwa ka nako.
O nolofatsa tlhophisetso ya dintho tse hlokehang bakeng sa mokopi, hore ha ho ka etseha ho hlokehe dintlha tse ding hape, hore ho tle ho phethahatswe tekolo.
O etsa bonnete ba hore kopo e sebetswa le ho qetwa ka nako. Mohlanka o tshwanetse ho hokahana le bao a sebedisanang le bona ofising ya hae ho etsa bonnet ba hore dikopo tsa batho bao tekolo e seng e phethilwe ka tsona, di a sebetswa ho fihlela ho qetwa ka tsona.
O sebetsa jwalo ka lehokela mahareng a ditho tsa moifo le Lefapha.
Ke setsebi moifong ditabeng tsa tekolo ya kgolofalo kapa tlhokomelo ya motho.
Moalafi o tla lekola dintlha le/kapa a hlahlobe mokopi, e be o etsa qeto ka tsebo ka kgolofalo kapa tlhokomelo ya mokopi.
Moalafi o tshwanetse ho etsa bonnete ba hore diforomo tse mabapi le kgolofalo kapa tlhokomelo ya motho di phethwa ka nako hape ka nepahalo.
Moemedi ho tswa mokgeng wa batho ba holofetseng kapa setho se hlomphehang sa setjhaba o tshwanetse ho tiisetsa hore kgaoletso/dikgaoletso eo/tseo mokopi a tobaneng le tsona di baka kgolofalo kapa hore e be motho ya hlokang tlhokomelo.
O etsa bonnete ba hore tekolo e phethahatswa ka nako.
O nolofatsa tsela ya hore moifo o kgone ho fihlela setjhaba ka ho fana ka tsebiso ya ka moo motho e mong le e mong a ka fihlelwang ka teng, haholoholo bao ho leng boima ho fihla ho bona, ba sa kgoneng ho tloha malapeng kapa ba hlokang empa ba sa tsebe ka dithuso tsena.
iv. Setho kapa ditho tse ding hape ka hodimo, e ka ba ngaka ya setho, ngaka kapa para medic kapa setsebi se ikgethang mosebetsing o itseng.
Ngaka e a hlahloba e be e etsa dikgothaletso ka ho kula ha mokopi ho bakileng kgolofalo kapa tlhokomelo ya motho ya nakwana kapa ya saruri.
E etsa bonnete ba hore tekolo e phethahatswa ka nako.
E etsa bonnete ba hore ho fanwe ka mabaka a itseng bakeng sa kgothaletso e itseng.
E fana ka tsebiso ya ka moo ho kula ho ka laolwang, ha lokiswa kapa ha phekolwa ka teng.
Moifo o tla botjwa ka bonyane ditho tse 3 le boholo ba ditho tse 6.
Meifo e ka kgethwa ka ho ya ka mokgwa wa ho arohanya boemong ba setereke le ba tikoloho, kapa ka mokgwa wa ho kopanya o tla potoloha ditikolohong kapa diterekeng ka ho sebedisa shejulu e sa fetoheng, kapa e fetohang le mabaka. Provense e tla hlwaya mmotlolo o tla kengwa tshebetsong o tla sebetsa hantle haholo hape e le o tshwanelehileng bakeng sa mabaka a yona a sa tshwaneng le a tse ding.
Hlooho ya Lefapha e tshwanetse ho amohela ho kgethwa ha ditho tse tla kena moifong. Ditho tsa moifo di ka kgethwa ke Hlooho ya Lefapha ka kgothaletso ya bakgethuwa bao ho tswa mekgatlong ya setjhaba, baetapeleng ba setjhaba, kapa bathong ba nang le kgahleho.
Ditho tse sebetsang ka dinako tsohle tsa Lefapha di tla sebetsa bakeng sa nako eo Hlooho ya Lefapha le bonang e loketse. Ditho tsa moifo tse sa sebeletseng Lefapha di ka sebetsa nako ya dikgwedi tse 24, mme nakong e tlang di ke ke tsa kgethwa hape ka hodimo ho makgetlo a mabedi di le moifong.
Ditho di tshwanetse ho ba le tsebo e itseng ka kgolofalo le tlhokomelo ya motho.
Setho se tshwanetse ho tseba kapa se itlwaetse maemo a moruo le a phedisano a tikoloho kapa a setjhaba bakeng sa morero oo moifo o kgethetsweng ona.
Ditho di tshwanetse ho dumela ho ya thupelong e tla behwa ke lefapha.
Batho bao ba ke keng ba nkuwa ba na le boikarabelo ba molao bakeng sa diketso tsa bona hobane ba na le bothata ba kelello.
Batho ba qoseditsweng boshodu, ho fojara, bomonemene kapa ditlolo tsa molao tsa bonokwane, ntle le ditlolo tsa melao ya sephethephethe.
Batho ba tla hana ho kenela dithupelo tse tla behwa ke Lefapha.
Dikopano tsa meifo di tla bitswa ke Lefapha, e leng lona hape le fanang ka tshehetso e hlokehang. Sebaka sa dikopano, matsatsi le hore di tshwarwa ha kae, e tla ba ntho e lokelwang ho behwa pele ho nako, e se ke ya fetoha, mme Lefapha le bolelle mokopi ka yona ha a tla Lefapheng bakeng sa kopo ya hae.
Hlooho ya Lefapha e ka kgetha ditho tse ding hape tse tla kena moifong, ha ditho tsa dinako tsohle di sa fumanehe. Tsela ya ho kgetha ditho tse ding hape e tla tshwana le ya ho kgetha ditho tsa dinako tsohle.
Setho sefe le sefe se sa beng teng ka makgetlo a mararo a latelanang dikopanong tsa moifo, kapa se lebohang mosebetsi se tla ntshiwa mosebetsing oo, mme hoo ho tla etsa hore Hlooho ya Lefapha e tlatse sekgeo seo se moifong ka potlako.
Ditho ha di a tshwanela ho nka lehlakore le ho sebetsa ka leeme mesebetsing ya tsona yohle ya tekolo.
Ditho di tshwanetse ho boloka ditaba tsohle tseo ho sebetsanweng le tsona e le sephiri ka hohlehohle, haholoholo diqeto tse entsweng le boitsebiso ba batho ba lekotsweng.
Ditho di tshwanetse ho fihla ka nako dikopanong, mme di dule nako yohle ya kopano ho fihlela ho qetwa ka mosebetsi wa moifo/meifo.
Ditho di tshwanetse ho ya dikopanong tsa moifo ka kelello e hlakileng di sa tahwa.
Ditho di tshwanetse ho phatlalatsa dikgahleho tsa tsona mabapi le tekolo, ha feela ho na le kgahleho ya motho kapa kamano e itseng e leng teng, kapa e ka bang teng.
Ditho di tshwanetse ho tsebisa ka botlalo Lefapha ka boemo ba tsona bo mabapi le temana ya 4.
Mohlanka wa polokeho ya phedisano mmoho le setho se seng le se seng sa moifo ba tla ba le boikarabelo bo kopanetsweng ba ho sebetsa hantle ha moifo. Moifo, ka modulasetulo wa ona, mohlanka wa polokeho ya phedisano, o tla fana ka pehelo Hloohong ya Polokeho ya Phedisano ka makgetlo a tla behwa ke Hlooho ya Polokeho ya Phedisano, mabapi le ho sebetsa hantle le bokgoni ba moifo. Hlooho ya Polokeho ya Phedisano e tla lebela mesebetsi ya moifo, hore na e latela ditlwaelo tse behilweng bakeng sa ditekolo, le ho romelwa mehloding e meng, ha e le teng. Dikgothaletso tsohle tse entsweng ke moifo di tshwanetse ho amohelwa ke Hlooho ya Lefapha. Ditho tsohle tsa moifo di na le maikarabelo a felletseng a diketsahalo le mesebetsi yohle ya moifo ho Hlooho ya Lefapha ka ho sebedisa mohlanka wa Polokeho ya Phedisano le Hlooho ya Polokeho ya Phedisano ya Lefapha.
Dikgothaletso tsohle le ditaba tsa moifo di tla tsebiswa Hlooho ya Lefapha ke mohlanka wa polokeho ya phedisano ya okametseng moifo, ka Hlooho ya Polokeho ya Phedisano. Moifo o tshwanetse ho tsebisa motho kapa bahlokomedi ba motho ya lekolwang ka diphetho tsa tekolo, hona ba ho etswa ka Lefapha. Lefapha ka Hlooho ya lona, le lokela ho tsebisa mokopi ka ho mo ngolla ka diphetho tsa tekolo le sephetho sa kopo. Ha kopo e sa atleha kapa ha ho fanwe ka thuso bakeng sa nakwana, mokopi o tla tshwanelwa ho fuwa mabaka ka hoo, mme a bolellwe le ka tokelo ya hae ya ho etsa aphili kgahlanong le qeto, le hore ke mehato efe eo a ka e nkang ho etsa aphili. Lefapha ka Hlooho ya Polokeho ya Phedisano, le tshwanetse ho etsa bonnete ba hore ho kengwa mekgwa ya ho tsebisa batho ka ho ba teng, nako, le sebaka sa moifo/meifo wa tekolo. Hona ho ka etsuwa ka diphatlalatsi tsa ditaba, ka ho ngolla motho kapa ka ho fana ka tsebiso ka diroustara, ditlankana tsa meputso, diphamfolete le ka molomo feela, diofising tsa setereke, dibakeng tseo ho leshwang penshene ho tsona, Posong, le dibakeng tse ding tse tla behwa ka ho ya ka leano.
Ditshenyehelo tsohle tsa meifo di lokelwa ho dumellwa ke Hlooho ya Lefapha ka ho ya ka Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba, Melawana ya ona ekasitana le ditshebetso tsa lekala le sebetsang ka ditjhelete tsa mmuso.
Tekolo ya Kgolofalo le Tlhokomelo ya Motho: Motho a ka hlahella ka boyena ka pela moifo le/kapa a fana ka tsebiso diforomong tse behilweng, jwalo ka ha ho hlokeha bakeng sa tekolo kapa hlahlobo. Diforomo tse behilweng di tla romelwa moifong ke Lefapha. Ha ho ka hlokeha dintlha tse ding hape, ho tswa mothong e mong eo e seng mokopi, hore ho etswe qeto e nang le tsebo, moifo o tla batla tumello e ngotsweng fatshe ho tswa ho mokopi, hore o fumane dintlha tseo. Ha dintlha tseo tsa tlatsetso e le tsa mofuta o ikgethang mme hoo ho le ka hodimo ho bokgoni ba moifo, moifo o tla etsa ditlhophiso tse tshwanetseng hore mokopi a kgone ho fana ka dintlha tseo. Moifo hape o ka amohela bopaki ba molomo ho tswa ho advokheiti lebitsong la motho ya lekolwang, ha dintlha tseo di sa romelwe di ngotswe, kapa ha motho a sa kgone ho bua mabaka a hae hantle.
O tla fana ka tlhahiso ya ona tshebetsong ya naha ya ho ntlafatsa kapa ho tshehetsa ka moo meifo e sebetsang ka teng.
O tla fana ka tlhahiso ya ho fetola tsela e sebediswang bakeng sa ho lekola kgolofalo kapa tlhokomelo ya motho.
O tla kenya tshebetsong thupelo kapa dikopano tsa ditsebiso tse mabapi le tekolo ya kgolofalo le tlhokomelo ya motho.
O tla romela batho dibakeng tsa bophelo bo botle ho ya fumana kalafo ya bongaka e be o fumana ho tswa dibakeng tseo tsa bophelo hore ke dikgothaletso dife tsa kalafo tse batlehang.
O tla neha motho ya lekolwang tsebiso ka mehlodi e meng ya thuso, ha e le teng, e leng e ka thusang motho kapa ba bang ka ditshebeletso tse ding hape.
O tla neha mokopi tsebiso e tshwanetseng ya ho tlatsa kopo ya thuso.
O tla neha motho dikeletso le tshusumetso ya hore a batle ditsela tsa ho ka kgona ho tswela pele ka boyena ha a sa holofala, e le hore batho ba jwalo ba tle ba se ke ba nna ba etsa dikopo nako le nako, e leng tse tla ba baka mosebetsi o mongata feela tsamaisong eo ya bona.
<fn>sot_Article_National Language Services_PUSO LE MOLAO WA TEKA.txt</fn>
Puso ke eng?
Puso ke tshebediso ya matla setjhabeng. Puso e amana le ho etsa qeto ya dipolotiki, moralo wa phedisano le moruo ha mmoho le motheo, tlhokomelo le tshebetso ya dibopeho tsa setjhaba le diinstitjhushene.
Tlhokeho ya tekano le kgethollo di dula e le ntho tse keneletseng ka botebo dibopehong, ditlwaelong le tjhadimong tsa setjhaba. Melawana le maano ha mmoho le mananeo a mmuso ke ntho tse ka qholotsang kgethollo mme tsa ntshetsa pele tekano. Di ka matlafatsa le ho tiisa dikamano tsa seholoholo tsa botswadi ha mmoho le ditlwaelo tsa bong le ho tlisa boemo bo nyenyefatsang basadi setjhabeng.
Ho kenyeletswa ha dingongoreho tsa bong molaong, maanong le mananeong a mmuso ekasitana le mekgweng ya tshireletso, tshebetsong le institjhusheneng tsa mmuso ke ntho ya bohlokwa haeba tekano ya bong e lokela ho fihlelwa.
Ho amoheleha ka kakaretso hore ho kenyeletswa le ho kgona ho ba teng ha basadi maemong kaofela moo ho etswang diqeto teng ke tokelo ya motheo, mme hore basadi ba be le tshusumetso ha ho etswa diqeto, ba lokela ho kena ka bongata haholo hore e be ditho tsa dibopeho tsa mofuta o jwalo.
Ho kenyeletswa ha mahlakore a bong molaong, maanong a setjhaba, mananeong le mererong ya di project.
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke e nngwe ya Institjhushene tsa Mmuso tsa Kgaolo ya 9 tse Tshehetsang Demokerasi ya Molao wa motheo e hlahiswang karolong ya 181 ya Molao wa motheo?
Ofisi ya Boemo ba Basadi (OSW) - e ofising ya Presidente le di-ofisi tsa diprovense di reretswe ho hlongwa di-ofising tsa ditonakgolo tsa diprovense. Ke lehokela la bohlokwa dipakeng tsa boitlamo bo batsi ba mmuso tekanong ya bong le phethahatsong ya boitlamo bona. Mesebetsi ya bohlokwa ya Ofisi ya Boemo ba Basadi (OSW) ke ho hokahanya, ho thusa le ho hlokomela phethahatso ya leano la bong mmusong.
Sehlopha sa Basadi sa Palamente (PWG) ke foramo ya mekga e mengata ya basadi kaofela bao eleng ditho tsa palamente palamenteng ya naha. Mesebetsi ya sehlopha sena e kenyeletsa hara tse ding, ho thusa basadi ka palamenteng ho tshohla le ho kopanela ditaba tsa bong, le ho netefatsa hore ho na le ntlafatso e etswang palamenteng hore ho be le boemedi ba bong dibopehong tsa yona?
Komiti e Kopanetsweng e Emetseng Ntlafatso ya Boleng ba Bophelo le Boemo ba Basadi e entswe ka ditho tsa Palamente le tsa Lekgotla la Naha la Diprovense. Ka kakaretso, seabo sa Komiti ena e Emeng palamenteng ya naha ke ho netefatsa hore ho na le mmuso o sebetsang hantle le o bonaletsang ha mmoho le ho thusa ka nyehelo tsa setjhaba tshebetsong ya palamente. Ba ikarabella tlhokomelong ya mafapha a mmuso le ho lekola melao e hlahisitsweng ke mafapha?
Ho fihletswe katleho e kgolo mabapi le tekano ya bong, Afrika Borwa jwale e boemong ba palo ya bo leshome le motso o mong ka bophahamo ya baemedi ba basadi ka palamenteng lefatsheng ka bophara.
Boitlamo ba mmuso boemeding ba basadi bo boetse bo bonahetse boemong ba khabinete moo palo ya basadi bao eleng matona e phahameng ho tloha ho 15% ka 1994 ho fihlela ho 28% ka 1999 le 40% ka 2004. Ho eketseha ha boemedi ba basadi ho boetse ho bonahetse boemong ba diprovense moo ho latela dikgetho tsa 2004, ditonakgolong tse 9 tsa diprovense, tse 4 tsa bona eleng basadi.
Basadi ba teng dipolotiking ka palo e bonahalang le e eteletseng lefatshe pele mme ho na le mekgwa ya institjhushene e teng ho betla le ho kgothaletsa tekano ya bong.
Boemo ba phedisano le ba moruo ba basadi, haholo basadi ba kojwana di mahetleng le ba batho ba batsho ba dulang metseng eo eseng ya diteropo, ha bo eso fetohe hakaalo mme ho dula ho ntse ho na le sekgeo se seholo dipakeng tsa katleho lehlakoreng la dipolotiki le la molao ha mmoho le boemo ba nnete ba bophelo ba basadi ba bangata.
Tjhadimo ya dilemo le dikgopolo tse abelang basadi boikarabelo ba praevete le banna boikarabelo ba setjhaba, di matlafatsa ka mehato e fapaneng ya meetlo, botjhaba, tumelo le diphatlalatso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Phasepoto ya hao ya h.txt</fn>
Jwalo ka ha mafelo a selemo a fihlile mme le batho ba bangata ba ya phomolong, ba Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa ba rata ho lemosa bao ba ratang ho kena metsing hore ba fadimehe haholo.
Etsa bonnete ba hore bao o nang le bona ba kgona ho sesa bakeng la ho qoba ho nwela.
Ha o kena sebakeng sefe kapa sefe se bulehileng sa metsi, kapa ka hara ntho e itseng, e kenyelletsang seketswana sa boholo bofe kapa bofe, di-ski kapa di-wind surfer, etsa bonnete ba hore o apare baki ya pholoso. Sesebediswa sena se tla etsa bonnete ba hore o dula o ntse o le ka hodima metsi mme o phela, ha o ka hlahelwa ke mathata.
Latela melawana yohle e sebediswang dipalangweng tsa metsing ka ha e radilwe ka sepheo sa ho etsa bonnete ba hore o a bolokeha.
Ha o ka ba haufi kapa ka hara metsi, o se ke wa nwa jwala, wa sebedisa dithethefatsi kapa mofuta ofe kapa ofe wa moriana, ka ha hona ho ka etsa hore tsepamiso ya hao ya maikutlo e theohe, athe hape ho ka fokodisa le monahano le bokgoni ba mmele hoo o ke keng wa kgona ho ipholosa kapa ho pholosa e mong, mme ka hona o tla be o ipeha kotsing e kgolo.
O se ke wa kena ka metsing ha ho na le sefefo, kapa pele feela ha hoba mafube a hlahe, kapa ka morao feela ha hoba letsatsi le dikele, hobane hona ho ka etsa hore ho be boima haholo hore o bone hore o ka ba le mathata.
O se ke wa sesa o le mong, mme fana ka matshwao a hlakileng a matsoho ha o le bothateng.
Tlohela ho sesa dibakeng tseo ho sa dumellwang ho tsona, ka ha dibaka tsena di behetswe meedi jwalo ho etsa bonnete ba hore le a bolokeha.
Ela hloko, ha o sesa metsing a mathang le moo ho nang le dikgohola, o se ke wa kena moo.
O se ke wa nka ka hore hoo ho ke ke hwa etsahala ho wena kapa eo o mo ratang, e be le ba bang ba batho ba balwang ba hlahetswe ke kotsi ya metsing. Re tshwanetse ho ananela taba ya hore hona ho ka hlahela mang kapa mang, ho kenyelletswa le batho ba ratang metsi ba nang le boiphihlelo bo hodimo le ba seprofeshenale.
Batho ba kwetelwang kapa ba bang diphofu tsa ho haejekwa, hangata ba tshwenyeha moyeng, ba be le letshoho, ba se ke ba kgolwa se etsahalang hape ba ferekane maikutlo.
Ntho ya pele e etswang ke batho bana, hangata e ba ho itwanela, mme hona ho ka ba kotsi haholo.
Itokisetse ho ba mong le ho arohana le ba lelapa leno, metswalle kapa bao o ba ratang.
Ho ka nna ha etsahala hore o se ke wa tseba le hore ke nako mang kapa o sebakeng sefe.
Ba ka bonahala ba etsa dintho ka ho di feteletsa.
Etsa dintho tsohle tseo bakwetedi ba ho bolellang hore o di etse, mme o latele ditaelo tsa bona.
Leka, ka dinako tsohle, ho boloka motlotlo, seriti le boitlhompho ba hao.
Boloka kelello ya hao e hlakile mme e le mafolofolo ka ho bapala dipapadi tse itseng ka kelellong, o lore feela motshehare, mme o bale seo o se nehwang.
Bakeng sa ho boloka matla a mmele wa hao, o lokela ho ja dijo tseo o di nehwang ke motho kapa batho ba ho kwetetseng.
Leka ho iketsa e ka o qabolwa ke seo ba se buwang.
Leka ho shebisisa metsamao, nqa tseo ba leng ka ho tsona, nako le sebaka.
Leka ho itshwara jwalo ka tlwaelo mme o dule o shahlile, ha mabaka a dumela.
Dumela ho etellwa pele ke motho kapa batho ba ho kwetetseng.
Kgutsa mme o phutholohe.
Paqama fatshe mme o dule o le moo fatshe ha ho ka ba le phutuhelo ya ho o pholosa.
O se ke wa itwanela, wa ba le manganga kapa wa halefa.
O se ke wa tshosa kapa wa bua ho hong ho tla halefisa motho kapa batho ba ho kwetetseng.
O se ke wa leka ho iketsa mohale.
O se ke wa ngangisana le motho kapa batho ba ho kwetetseng.
O se ke wa ba le dipuisano dife kapa dife tsa ho seba.
O se ke wa sebedisa mehopolo kapa dipuo tsa dinaheng tsa ka ntle, ka ha hona ho ka baka pelaelo e itseng.
O se ke wa kopa letho.
O se ke wa ba le kutlwelo ya seo motho kapa batho ba ho kwetetseng ba se tsekang.
O se ke wa leka ho baleha, hobane hoo ho ka ho beha kotsing e kgolo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Phatlalatso e Kgutshw.txt</fn>
Ho ntshetsa pele Demokerasi ya Molao wa Motheo, ho kenyelletswa tlhodisano ya nako le nako ya dipolotiki le monyetla wa ho ikgethela, tshebediso ya molao, ditokelo tsa baahi ba naha le bophahamo ba Molao wa Motheo.
Ke eng e lokileng le sa lokang ka mokgwatshebetso wa rona wa dipolotiki?
Na dibopeho le diforamo tse teng tse entsweng ke mmuso di dumella hore ho be le ho Kenya letsoho demokerasing?
Baahi ba Afrika Borwa ba sbedisa ditokelo tsena ho le hokae?
Baetsi ba molao le baahlodi ba ka lehlakoreng lefe?
Nare na le bonnete bah ore ho na le toka hohle?
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le batshwari ba ditulo le basebeletsi ba mmuso ba nang le boikarabelo, mme ba sebetsang hantle haholo.
Mmuso o sebetsa hantle ho le hokae?
Batho ba sebetsang ho ona?
Ho lwantsha bobodu dipolotiking.
Boemo ba bobodu ke bofe dipolotiking?
Ho etsweng ka bona?
Na basadi ba thuswa ka tshehetso e lekaneng eo ba e hlokang ho lokoloha?
Bana ba bolokehile ho le hokae?
Ho ntshetsa pele le ho sireletsa ditokelo tsa dihlopha tse sa sireletsehang ho kenyelletswa le batho ba hlokang moo ba dulang le baphaphathehi.
Baphapahthehi le batho ba hlokang matlo ba tshwerwe hantle na?
Le batho ba holofetseng?
Moruo o laolwa ho le hokae?
Ho kenya tshebetsong maano a moruo a sebeletsang pepeneneng hape a ka bonwang pele ho nako.
Mmuso o hokahanya mesebetsi ya ona ho le hokae?
Mmuso o laola ditjhelete tsa ona ho le hokae?
O nagwa ke bobodu ho le hokae Mmusong?
Ho potlakisa nyalano ya lebatowa ka ho Kenya letsoho ho kopanyeng maano a tjhelete, kgwebo le dipeeletso.
Na re etsa hantle ka ho hweba le ho sebetsa haholo le dinaha tsa Afrika?
Ho bonolo ho le hokae hweba Afrika Borwa?
Na dikhampane tse kgolo di hlompha batho le setjhaba?
Bahiri ba hlompha basebeletsi ho le hokae?
Ho ntshetsa pele ho amohelwa ha dikhoutu tsa boitshwaro bo botle kgwebong ka ho fihlela maikemisetso a khampane.
Na dikhampane tse kgolo di sebetsa ka botshepehi le ka ntle ho leeme ka hara naha?
Ho hlophisetsa boikarabelo ba dikhampane, balaodi le bahlanka.
elao le melawana e sebetsa hantle ho le hokae ho laola ka moo molao wa dikhampane o sebetsang ka teng?
Ho ntshetsa pele boitshepo le tswelopele kahong ya bokgoni bakeng sa ntshetsopele e tla kgona ho tswella ka boyona.
Re fumana menahano ya rona hokae ka bokamoso ba rona?
Ho potlakisa ntshetsopele ya Moruo le Phedisano bakeng sa ho fihlela ntshetsopele e tswellang le ho qeta bofuma.
Na re sebetsa hantle ka ho fedisa bofuma?
Ho matlafatsa mekgwa ya matlafatso ya maano a ho thusa le diphetho dibakeng tsa bohlokwa tsa phedisano ho kenyelletswa le thuto le ho lwantsha HIV/AIDS le mafu a mang a tshwaetsang. Ho etsa bonnete ba hore baahi bohle ba naha haholoholo ba dibakeng tsa mahaeng ba kgona ho fihlela metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, matla, ditjhelete, mebaraka, ICT, bodulo le naha ha bonolo.
Mmuso o thusa ho le hokae, haholoholo ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka metsi?
Ho kgothaletsa ho ba le seabo ka mokgwa o batsi ntshetsopeleng ke bathahaselli bohle ba leng maemong ohle.
Maikutlo a hao a amohelwa haholo ho le hokae ke ba ka sehloohong?
<fn>sot_Article_National Language Services_Pholisi ya Naha ya Me.txt</fn>
Pholisi ya Naha ya Metsi ya 1997 le molao wa naha wa metsi di thehilwe hodima maikemisetso a mmuso a hore motho e mong le e mong a be le monyetla wa ho phela bophelo bo hlomphehang le bo hlwekileng le ho nka karolo moruong.
Kgatiso ya pele ya Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi (National Water Resource Strategy NWRS) le hlakisa kamoo mehlodi ya metsi ya Afrika Borwa e tlang ho sireletswa kateng, ho sebediswa, ho hlabollwa, ho bolokwa, ho tsamaiswa le ho hulwa ho ya ka Pholisi le molao. Tabatabelo e kgolo ya ho tsamaisa mehlodi ya metsi ke ho etsa bonnete ba hore metsi a sebediswa bakeng sa ho tshehetsa diphetoho le tlhabollo ya toka, tswelopele ya setjhaba le moruo?
Hobane metsi a le bohlokwa bophelong ba motho, ho bohlokwa ho etsa hore tsamaiso ya mehlodi e tshehetse dipehelo tsa metsi metsi a nowang le a tsamaisang dikgwerekgwere, bakeng sa batho kaofela, haholo ba futsanehileng le ho ba sa kang ba thola menyetla pele?
Empa metsi a ka sebediswa haholo ho feta ho iphedisa ka ona. Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi (NWRS National Water Resource Strategy) le tsitlallela ho hlwaya menyetla moo metsi a ka fumanehang bakeng sa ho ka iphedisa ka ona, le ho ka fana ka tshehetso le thuso kamoo metsi a ka sebediswang ha molemo kateng?
Metsi a bohlokwa moruong. NWRS e fana ka monyetla hore ho be le tshebedisano mmoho mafapheng a mmuso a nang le seabo ntshetsong pele ya moruo. Ke tlhahiso ya bohlokwa ho moralo wa naha wa tlhabollo ya sebaka o thusang ka ho fana ka kutlwisiso kamoo metsi a ka fanang ka tswelopele tsamaisong ya mafapha?
Molao wa naha wa metsi o fetotse ka moo metsi a ka laolwang ho tloha mokgweng wa ditokelo tsa ho ba le mobu ho ya ho mokgwa wa phepelo e radilweng wa ho fana ka metsi ho ya ka tekano ya ditabatabelo tsa batho. Ho nehelana ka metsi hape ho tswetseng pele bathong ba ileng ba tingwa phumaneho ya metsi ho ka thusa ho hlaola ho se tshwane moruong, ha ka lehlakoreng le leng tshebediso e teng ya metsi e ka nna ya tswelapele le ho kgothaletsa ho sebedisa metsi ka hloko dibakeng tse ommeng tsa naha.
Hona ho tlamehile ho etswa ka tsela e tla etsa hore ho fihlellwe tekano e amohelehang pakeng tsa tshebediso ya mehlodi ya rona ya metsi le tshireletso ya dibaka tse fapaneng tsa metsi. NWRS ka hona e tsitlallela paballong ya metsi e phethahetseng le mekgwa ya ho phahamisa tshebediso ya metsi e ntle, le ho hlalosa tshebetso le thuso e tlang ho nehelwana ka yona ha e kena tshebetsong. Leha ho beha theko bakeng sa metsi e le se sebediswa sa bohlokwa ho kgothaletseng paballo ya metsi, ditlhoko tsa setjhaba di tlameha ho lekolwa, ka hona NWRS e kenyeleditse tshehetso ka ditjhelete bakeng sa basebedisi ba metsi ba ileng ba tingwa menyetla pele?
Karolo e nngwe ya bohlokwa ya NWRS ke ho arolelana boikarabelo le matla ho batsamaisi ba ikemetseng ba dibaka tse fepelang metsi, le boemong ba lehae ba mekgatlo ya metsi. Mafapha a na, baemedi ba basebedisi ba metsi le banang le seabo metsing ba tla kgothaletsa hore ho nkwe karolo tsamaisong ya mehlodi ya metsi dibakeng tseo. Hona ho tla kgontsha lefapha la tsa metsi le meru ho tlohela ho ba le karolo tse ngata tsa ho ba motsamaisi, mothehi, le ho ba molaodi le mohlokomedi?
Ho tla ba bohlokwa ho tswelapele ho aha matamo a matjha, dibaka tse fepelang metsi le dipeipi ho fihlella ditlhoko tse phahameng tsa metsi bakeng sa ho phahamisa maphelo a batho le ho kenya letsoho moruong. Matamo a matjha a tla phahamisa maemo a tshireletso kgahlanong le tlhokeho ya metsi nakong ya komello ka tshebediso e batsi, a ka sebetsa jwalo ka dithibelli kgahlano le merwallo bakeng sa dibaka tse motheong. Ho ya ka boitlamo ba mmuso ho ntshetseng pele matsete moruong, lenane la tshehetso ka ditjhelete le se le radilwe, moo boholo bo tlang ho ntshuwa ke basebedisi ka bo bona. Ho tsetela setjhabeng ke mmuso ho tla nne ho hlokehe haholo dibakeng tsa mahae, bakeng sa ho lwantsha bohloki ba ka nako e telele.
Tlhahiso e ntshitswe ho theha lekala le ikemetseng ho hlabolla le ho tsamaisa meaho ya bohlokwa haholo, empa ho tla tlohelwa tsamaiso ya tlhabollo ya meaho ya mahae ho batho ba mahae.
NWRS e tlamehile ho nehelana ka moralo ho ba tsamaiso ya mehlodi ya metsi, empa hona ha ho a tlameha ho nkwa jwalo ka leano le phethahetseng. Ho lekolwa hang kamora lemo tse hlano ho tla fana ka monyetla ho lekola hape dihlahlobo tikolohong tsa setjhaba le moruo le ho amahanya mekgwa ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi le ho fetoha ha maemo le ditlhoko?
Balaodi ba mehlodi ya metsi ba tobane le diteko tsa ho etsa bonnete ba hore metsi a tshehetsa diphetoho tsa setjhaba le moruo, ha ho mohlodi kapa nako e ka sebediswang ho ka lokisa hona e ka kgellwang fatshe. Empa ho tswelapele ho mothehong o ntshitsweng ke molao wa naha wa metsi, NWRS e tla etella pele phihlello ya sepheo sa setjhaba se nang le toka le tswelopele?
Selelekela ka Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi ho tswa ho Letona la tsa Metsi le Meru.
Selelekeleng sa hae letona le hlahitse, hara tse ding, bohlokwa ba metsi bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa setjhaba le ho fana ka tekolo ya maemo a ha jwale a metsi a Afrika Borwa.
Kgaolo ya 1 - Pholisi ya metsi, molao wa metsi le tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Dikamano pakeng tsa Molao wa Motheo, Pholisi ya metsi le molao wa metsi di hlaloswa karolong ena mmoho le maikemisetso a NWRS?
Moralo wa naha bakeng sa ho laola mehlodi ya metsi.
Moralo wa boitokisetso ba maano a tsamaiso ya dibaka tsa metsi.
Ho hlwaya menyetla ya ntshetsopele le ditshitiso tse ka bang teng.
Ho nehelanwa ka tlhaloso e kgutswane ya tlhokeho ya ho laola mehlodi ya metsi ka tsela e momahaneng, le ka tshebedisano mmoho le makala a mmuso, basebedisi ba metsi le batho ba nang le seabe ba amehang, le ka moo tsamaiso e momahaneng ya mehlodi ya metsi e fedisang bofuma le ho se lekane ntlheng tsa botona le botshehadi.
Kgaolo ya 2?
Karolo ena e fana ka tekanyo ya ho ba teng ha metsi le ditlhokeho tsa metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi, e bontsha kamoo ho ka lebellwang diphetoho ho phumaneho le tlhokeho tsa metsi nakong e tlang, le ho hlalosa maano le mekgwa ya ho fumana tekano pakeng tsa phumaneho ya metsi le ditlhokeho. Dintlha tse itseng ka tse amanang le tsamaiso ya mehlodi ya metsi di hlalositswe. Sheba sehlomathiso sa D Dintlha ka maano a dibaka tsa tsamaiso ya metsi di hlalosa ka botlalo maemo a metsi Afrika Borwa ka ho fana ka maemo a ha jwale le a nako e tlang a palo ya metsi le tsepamiso tsa keno mahareng bakeng sa dikarolwana tse 19 tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi?
Kgaolo ya 3 Maano bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi?
Maano, ditabatabelo, meralo, tataiso le tsela tse hlokahalang bakeng sa ho ka kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa molao wa naha wa metsi di a hlaloswa karolong ena. Ho fanwa ka tlhaloso bakeng sa tlhokeho ya molao bakeng sa ho kenya moelelo ho maano. Dikarolo tse latelang tsa kgaolo ena di fana ka lesedi ka maano a tshireletso ya mehlodi ya metsi, tshebediso ya metsi, paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi, peho ya theko ya metsi, makala a tsamaiso ya metsi, marangrang a masedi le tekolo ya mehlodi ya metsi le tsamaiso ya dikoduwa. Karolo tse pedi tsa ho qetela tsa kgaolo ena di bontsha mesebetsi e meholo e kentsweng tshebetsong le ditlamorao tsa ho kenngwa tshebetsong ha mesebetsi ena.
Kgaolo ya 4?
Kgaolo ena e kenyeleditse ka botlalo tsela tseo ho ka kgonahalang ho ka theha tsamaiso ya metsi ho ditsebi tsa metsi lefapheng la metsi Afrika Borwa, e hlalosa mokgwa wa lafapha ho theheng tlhokomediso le kutlwisiso ya dintlha tsa metsi hara basebedisi ba metsi le ho ba nang le seabo, mme e hlalosa maano a Khomishene ya Dipatlisiso tsa Metsi.
Kgaolo ya 5 Moralo wa naha le kgokahanyo, le tshebedisano mmoho ya matjhaba ka ha tsamaiso ya metsi?
Dikamano tse ka sehlohong pakeng tsa maano a tsamaiso ya mehlodi ya metsi, melao le Pholisi di hlaloswa kgaolong ena. Tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha mmusong ke e bohlokwa ho fihlella ntshetsopele. Karolo ya ho qetela ya kgaolo ena e ka tshebedisano ya matjhaba ka ntlha tsa metsi.
Jwalo ka ha metsi a theoha le naha, a tlisa dikuno tse fapafapaneng ho basebedisi. A re thusa hammoho le malapa a rona; a nosetsa masimo a borapolasi; a hodisa dijalo le mehlape ya batho ba mahaeng; a fana ka boikgathollo bakeng sa bana; a tshehetsa fehlo ya motlakase, merafo le diindasteri; le ho nontsha dimela le diphoofolo..
Metsi a fana ka bophelo. Bongata le mofuta wa metsi bo hlalosa mokgwa le mofuta wa bophelo ba moo, mme bo fana ka lesedi moo tlhabollo e tlamehang ho ba teng. Metsi a Afrika Borwa ke a baahi ba yona, empa ke mosebetsi wa mmuso ho hlokomela metsi ana, ho phahlalatsa metsi ka toka le ho kgothaletsa tshebediso e bohlale, le bakeng sa phetoho le tlhabollo setjhabeng le moruong. Ntshetsopele ena e bohlokwa hore re kgone ho lwantsha bofuma. Ka tlasa kgethollo, tswelopele e ne e unwa ke batho ba basweu fela, ha metse ya batho batsho le mahae e ile ya se natswe le hona ho ntshetswapele. Tsena ke dibaka tseo ho ntseng hona le bofuma le ha jwale.
Nakong eo mmuso wa pele wa demokerasi o neng o nka puso ka lemo sa 1994 o ile wa beha jwalo ka moralo wa ona lenane la kaho botjha le tswelopele (RDP). Boikitlaetso bona bo ile ba thehwa hodima motheho wa hore batho ba ileng ba ameha ba nke karolo ke hona, mme ho ile ha hlaloswa ntlha tse hlano tse latelang : ho fihlella ditlhoko tsa bohlokwa; ho ntshetsa pele bokgoni ba batho; ho matlafatsa naha le setjhaba; Ho aha moruo; le ho kenya tshebetsong RDP (lenane la kaho botjha le tswelopele). Metsi ke karolo ya bohlokwa ho manane a seng a boletswe?
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa o na le ditokelo tsa botho le moralo. Dipehelo tse pedi tsa ditokelo tsa botho di na le moelelo haholo ho tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana hara tse ding dijo le metsi, mme ka hona mmuso o tlamehile ho nka mehato kamoo o ka kgonang ho phethisa ditokelo tsena.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho dula sebakeng se hlwekileng se seng kotsi, mme sebaka sena e be se tshireletsehileng bakeng sa kuno ya moloko wa ha jwale le o tlang ka ho theha melao le mekgwa e ka thibellang tshilafatso ya sebaka, ho ntshetsapele polokeho, le ho tswellisa tswelopele ka ho sebedisa mehlodi ya tlhaho ka ho ntshetsapele moruo le tswelopele ya setjhaba.
Ditokomane tsena tse pedi RDP le Molao wa Motheo di nehelana ka monyetla wa ho tadimisisa le ho lekola Pholisi le molao o amanang le metsi a lebisitseng ho ralweng ha Pholisi ya Naha ya Metsi Afrika Borwa le molao wa metsi . Melao ena e thehilwe hodima toka, tshehetso e tsepameng le ka mabaka a fapaneng?
Molao wa pele wa metsi wa Afrika Borwa wa 1956 o ne o sa kgese jwalo ka wa lefatshe wa 1913. Leha ho le jwalo phumaneho ya metsi bakeng sa tlhahiso e ne e hokahantswe le lefatshe. Mokgwa ona kentsweng molaong wa pele o ne o fumantsha fela bao ba neng ba le maloka le moo metsi a phallang teng. Jwalo ka ha ho fumana lefatshe ho etswa ka kgethollo ya mmala, phihlello ya metsi le yona e ne e etswa ka mmala.
Hona ke teko e kgolo ho batsamaise ba metsi, ke ka hoo ho hlokahlang toka phahlalatsong ya mehlodi. Batho ba rona ba bangata ba futsanehile. Ka hona ntlha tsa tswelopele di ka se kgaohanywe le maikarabelo a ma-Afrika Borwa ho arolelana metsi le ho a sebedisa hantle. Hajwale re se re ena le matla a ho nehelana ka metsi ho bao ba ileng ba kgeswa ho tswa ho bao ba ileng nehwa monyetla pele.
Empa re tlameha ho lekola dikgokahanyo tse tshopodi tse teng tse ka bang molemo setjhabeng, maemo a tikoloho le ditlhloko tsa moruo. Bophelo ba naha bo tlameha ho tswelapele. Metsi ke e nngwe ya disebediswa tsa ho lwantsha bofuma, ka ho nehelana ka tsela ya ho phedisa ba futsanehileng, e leng bothata bo mahetleng a basadi. Ke boikarabelo ba lefapha la metsi le moruo ho etsa bonnete ba hore ma-Afrika Borwa a sebedisa mehlodi ya metsi hantle ka toka. Ditlhoko tse hlodisanang tsa diindasteri, temo, ditoropo le batho di tlameha ho fihlellwa. Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi le re kenya tseleng ena.
Ha nyane Afrika Borwa e tlosa mokgwa o o banna e neng e le bona fela ba neng ba le ka sehlohong, basadi ba kgothalletswa ho nka karolo jwalo ka banna. Molao wa metsi o qobella mmuso ho lokisa ho se lekane pakeng tsa basadi le banna metsing le ho sa lekalekane ho bakwang ke merabe kapa ho se itekanele.
Lemong tsa ho feta re ile ra hlokomela le ho utlwisisa tshebedisano mmoho pakeng tsa batho le tlhaho, le hore mesebetsi ya rona e setisa boleng le boteng ba metsi. Re ananetse boitlamo ba rona ba ho sireletsa sebaka sa tlhaho, ka ho kgotsofatsa ditlhoko tsa moloko wa ha jwale le wa nako e tlang.
Afrika Borwa ke naha e hlokang metsi. Pula ya rona ka selemo e batla e etsa halofo ya palo e lebeletsweng lefatsheng ka bophara bakeng sa naha ka nngwe, mme le karolo tsa naha ya rona di omme. Naheng ka bophara moafalo o batla o le hodimo ho feta pula. Fatshe la rona le hlotjwa ke merwallo le dikomello, mme kaofela re bone metsi a merwallo a nka batho, matlo le ditsela. Re arolelane ho se be le pula le bo-rapolasi le batho ba rona ba mahaeng. Mehlodi ya rona ya metsi ha e a lekana mme ho bohlokwa ho e sebedisa ka hloko ho ya ka ditabatabelo tsa batho.
Tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi.
Dintlha tse tharo e leng toka, bokgoni, tshehetso di kopana kaofela ka tlasa lekala la tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho fihlella tsamaiso e hokahantsweng ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi e re kgontshang ho sebedisa metsi ho fihlella ditlhoko tsa batho ba rona tsa metsi, mesebetsi le kgolo ya moruo ho ya ka molao wa metsi, le ka tsela eo a tlang ho re kgontsha ho sireletsa le ho hlabolla mehlodi ya metsi. Hodima tseo tsohle, tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi e tla re thusa ho sebedisa metsi ho lwantsha bofuma le ho sebe le toka Afrika Borwa.
Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi le hlalosa tsela tseo ka tsona re lekang ho fihlella tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa. Le hlalosa Pholisi, maano, meralo le ditsamaiso tseo ka tsona di tlang ho etswa. Ke tokomane e ikgethileng ya pele ya mofuta wa yona Afrika Borwa. Ho lebelletswe hore e be tokomane e tla dula e hola le ho fetoha ho ya ka ditlhoko, bokgoni le kutlwisiso ya batho.
Maemo a mehlodi ya metsi a naha.
Kutlwisiso ya rona ya mehlodi ya metsi e ntse e hola. Mafapha a fapaneng a kenya letsoho tsebong ena. Re tla hatisa raporoto ka maemo a mehlodi ya metsi hang fela ha dintlha di se di kgobokantswe, empa ha jwale ho se be teng ha dintlha tsena ho baka bothata hore Afrika Borwa e tsebe hore e maemong a feng. Re bala masedinyaneng ka ha ho se hlweke ha dinoka, matamo a tlalang haholo, merero ya tlhwekiso le maano a paballo. Re utlwa le ka kgahello ya metsi, ka ha dimela tsa melata tse bakang kommello. Mohlomong re a makala hore na seo se bolelang.
Taba ya pele, rena le metsi a lekanag ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba bakeng sa nako e tlang. Empa re tlameha ho sebedisa metsi ka tlhoko, mme re tlameha ho theola le ho qoba tshilafatso ya metsi. Re tlameha ho hlokomela hore re phele naheng e hlokang metsi. Re tlameha ho hlokomela hore re maemong a tlhokeho ya metsi a mangata, mme batho ba futsanehileng ke bona ba thefulehang haholo. Leha metsi a ka ba teng, ho boima ho bona ho a thola ka baka la ho hloka meaho. Ha re maemong a ho fellwa ke metsi, empa re tlameha ho sebedisa metsi ka tsela e nepahetseng.
Tshebediso ya metsi Afrika Borwa e laolwa haholo ke nosetso, e nka dipersente tse 62 tsa metsi ohle a sebediswang naheng. Malapeng le metseng e meholo ho sebediswa dipersente tse 27, ha merafo, diindasteri tse kgolo le fehlo ya motlakase di nka dipersente tse 8. Dimela tsa moru tsona di sebedisa dipersente tse tlasa 3 mme di theola phallo ho dinoka le melapo.
Dinoka tsa Afrika Borwa di nyane ha di bapiswa le tsa dinaha tse ding. Noka ya Orange e jara dipersente tse ka bang 10 tsa mothamo wa metsi ha ho bapiswa le noka ya Zambezi le persente e le ngwe e phallang ya noka ya Congo. Palo ya didiba ka selemo e ka ba ka hodimo ha 49 000 million cubic metres e leng palo kaofela ya dinoka, ena ke palo e tlase ha ho bapiswa le Zambezi. Ho feta moo, bongata ba dinoka tsa rona tse kgolo jwalo ka Orange/Senqu le Limpopo re di arolelana le dinaha tse ding?
Tabakgolo ha jwale lefapheng laka ke ho bontsha dipatlisiso tsa selemo sa 2000, tse bontshang hore dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 10 ho tse 19 ka hara naha di tobane le tlhokeho ya metsi. Dibakeng tsena tsa metsi, metsi a sebediswa haholo ho feta tekano mme hona ho beha basebedisi ba bang ka mosing bakeng sa ho ka fumana karolo ya bona ya metsi. Re tla tlameha ho nka kgato ho etsa hore tshebediso ya metsi dibakeng tsena e tliswa maemong a amohelehang. Disebediswa tse ka sehlohong di kenyeleditse ho eketswa ha tshebediso ya metsi hantle, le ho hlaola dimela tsa melata, (jwalo ka keketso ya moru le tsona di theola didiba), kaho ya meaho e meng jwalo ka matamo le marangrang a diphithiso tsa metsi ka mokgwa wa mabopo. Re tla tlameha ho sebetsana le ntlha ya dibaka tse tlasa kgatello ya ho hloka metsi mahaeng le dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse nang le metsi a mangata.
Ha re sheba pele ho selemo sa 2025, leha re ka eketsa meaho ya metsi, re fumana hore dibaka tse itseng tsa tsamaiso ya metsi di tla haellwa ke metsi. Tlhabollo ya meaho ke tsela e theko e boima, kahoo tshebediso e ntlafetseng ya mehlodi e teng ya metsi ke kgetho e ka sebediswang.
Ditlhabollo dibakeng tseo tsa metsi di tlamehile ho kgothalletswa moo ho nang le phumaneho ya metsi bakeng sa tshebediso, mme lefapha le hatisitse ditumello kakaretso ho kgontsha hore tshebediso ya metsi e be teng ka tlasa maemo a itseng, ntle le ho ntshwa ha laesense.
Jwalo ka ha moralo le tsamaiso di hlokahala bakeng sa ho eketsa metsi dibakeng tse hlokang metsi, di sebediswa le bakeng sa ho hlabolla boleng ba metsi di a hlokeha. Mohlala ke metsi a nosetso dibakeng tse nonneng tsa Kapa-Botjhabela tseo bokgoni ba tsona ba temo bo leng bonyenyane, mme di le letswai haholo. Ho lokisa seo, lefapha ho tloha ka 1976 le ne le romela metsi ho tswa Orange River le ho ya Kapa- Botjhabela ka peipi ho haola le Orange Fish. Ho eketswa ha metsi a boleng bo hodimo le phokotso ya letswai metsing ho bile le kuno e kgolo kgolong ya moruo le tlhahisong ya mosebetsi sebakeng seo.
Dibakeng tse ding tsa naha boleng ba metsi bo baka mathata a ke keng a rarollwa ha bonolo. Mohlala, leha fela persente tse 2 tsa metsi tse fihlang Vaal Dam di tswa phepelong ya Waterval ya Highveld, sebaka se tletseng merafo, diindasteri, fehlo ya motlakase le ditshebediso tse ding, persente e nyane ena e na le seabo ho silafatseng letamo ka dipersente tse 12. Letamo la Vaal le fana ka metsi bakeng sa malapa bakeng sa batho ba dimillione tse 10 mme ka baka la tshilafatso ya metsi ditjeho tsa tlhwekiso di hodimo.
Ka tsela e tshwanang, letsatsi le letsatsi ho laola le naha, mekgatlo le batho ba sitisa boleng ba metsi dinokeng le melatswaneg, metsi a ka tlase ho lefatshe le dibaka tse metsi.
Merafo le nosetso di na le tshwaetso ho letswai la mehlodi ya metsi a rona, mme di theola boleng ba metsi (bongata ba letswai bo qhibidisetswang metsing). Dinoka tsa Vaal le Harts di angwa ke nosetso ya temo empa ho ba letswai haholo ho ka bakwa ke majwe a sebakeng sa metsi, jwalo ka nokeng ya Fish mane Kapa-Botjhabela, e phallang ho laola le lebatowa le tletseng letswai le Karoo, kapa nokeng ya Breede mane Kapa -Bophirima.
Boleng ba metsi bo angwa ke dimela tse bolayang diphoofolo ka ho di tima moya (Eutrophication), matlafatso a metsi, haholo matamong le dinokeng ke dimatlafatsi tse jwalo ka Phosphates le Nutrates. Bongata ba sematlafatsi ha se kopana le lesedi mmoho le mofuthu di baka kgolo ya bolele. Mofuta o mong wa bolele e leng Cynobacteria kapa blue-green algae bo baka ho nyoloha ha ditjeho tsa ho hlwekisa metsi mme di sitisa dimela ho fumana metsi hobane di kwala dipeipi tsa metsi. Hangata dimatlafatsi di bakwa ke menontsha e sebediswang temong le mekgwa e putlameng ya ho tsamaisa dikgwerekgwere. Ho ka nka dilemo ho lokisa eutrophication matamong, jwalo ka phosphate e tebang e dule matlakaleng mme kgutlele ha maemo a dumela, hona ho etsa hore algal e qale. Uetrophication e ama noka ya Middle Vaal le matamo a Hartebeespoort, Inanda, Laing mmoho le Bridlesdrift?
Tshwaetso ya dikokwanahloko ha e bakwe fela ke tsamaiso e tlase ya dikgwerekgwere, empa le boloko ba mehlape bo kenang dinokeng le melapong e fumanehang hara naha. Tshebediso ya metsi a sa hlwekang ke yona sesosa se ka sehlohong se bakang mahloko Afrika Borwa.
Tshilafatso ya metsi e etsahala metseng e meholo le dibakeng tse nang le diindaseteri. Ditshilafatso di kaba tse tshwanang le paballo ya dimenerale (matswai a sallang ka metsing hobane a sa qhibidiha), dimetale le menontsha.
Teko eo re shebaneng le yona jwalo ka mmuso ke ho hlabolla moruo le setjhaba le ho hlokomela hore boleng ba metsi bo lokile bakeng sa hoka sebediswa ka nako tsohle. Teko e nngwe ke ho sireletsa dibaka tsa metsi.
Lenane la ho phela hantle la dinoka, le bokella le ho hlalosa dintlha tsa maemo le polokelo ya metsi ka mokgwa o kgonang ho laoleha. Mokgwa ona o etsa hore hobe bobebe ho lekanya boemo ba noka ho noka e nngwe.
Ha noka e hlaloswa hore ke ya tlhaho ho bolelwa hore ha eso ka e angwa ke ditshebetso tsa motho, melatswaneng ya yona, ho diphoofolo le dimela le dintho tse phelang metsing tse ka bontshang ho fetoha hanyane. Mekgwa ena ya tlhaho e bohlokwa bakeng sa ho boloka maphelo a fapaneng le ho fana ka letshawao le bontshang hore tlhaho e tlamehile ho shebahala jwang. Noka e boemong bo tlase e bakwa ke diketso tse phahameng tsa ditlamorao tsa tshebetso ya motho. Hona ho etsa hore palo ya dintho tse phelang metsing e wele tlase ho sale fela tse kgonanag ho mamella. Mefuta ena e kgonang ho phela ha ngata e ba le mahloko mme maphelo a tsona a fetohe. Ha disa kgona ho tswala kapa mefuta e meng ya kantle ho sebaka seo e hape tulo ya tsona. Boemo bo tlase ba noka bo ka nkwa e le bosa amoheleheng mme ho hlokahala ho kena mahareng ha tsamaiso ho kgutlisa boemo ba mekgwa ya phallo, dintho tse phelang metsing le boemo ba metsi. Noka tsa palo e tlase Afrika Borwa di kgona ho bitswa tsa tlhaho hobane bongata ba tsona bo tulong tse tshireletsong jwalo ka dirapa tsa naha le provense le dibaka tsa diphoofolo tse hlaha?
Ka kgwedi ya Phato 2002 mefuta e tsheletseng ya dinoka e emetseng dinoka di ile tsa hlahlojwa diprovenseng tse nne ka tlasa lenane la boemo ba dinoka (River Health Programme). Sepheto sa hlahlobo tsena se bontsha boemo ba noka tsa Afrika Borwa, ke sena; dipersente tse 11 tsa dinoka di sale maemong a tlhaho; persente tse 26 di maemong a matle; persente 32 di boemong bo amohelehang ha persente tse 31 di le maemong a a mabe. Ho phatlalla ha di karolo tsa boemo ba metsi bo fapana haholo. Mohlala ke noka ya Sabie-Sand moo dipersente tse 50 dileng maemong a tlhaho ho isa ho a matle (Provenseng ya Limpopo le Mpumalanga), empa dipersente tse 13 tsa noka ya Modder di le maemong a tlaho ho isa ho a matle (Provenseng ya Foreistata)?
Tsebo ya ha jwale e bontsha mabaka a latelang e le ona a behang boemo ba dinoka tsietsing.
Ho sebediswa haholo ha dibaka tsa tshebediso ya metsi. Hona ho etsa hore ho se ke ha kgoneha ho sefa dintho tse kenang nokeng tse hodisang dimela, le ho se kgonahale ho fana ka bodulo kapa monyetla wa ho falla bakeng sa mefuta e meng, ho lokisa mabopo a dinoka le mekgwa ya ho laola merwallo.
Mefuta e sa tlwaelehang ya dimela (fauna) le flora (dimela). Ho kenyeleditse le mefuta e phelang metsing jwalo ka Trout (Mofuta wa tlhapi) le mofuta wa difate wa Wattle?
Tsamaiso ya phallo le ho hulwa ha metsi. Mabota a letamo le dithibelli di sebetsa jwalo ka ditshitiso metsamayong ya ditlhapi le mefuteng e phelang metsing. Taolo ya phallo e sa bontsheng phapang nakong tsa selemo e na le kgahlamelo bokgoning ba ho kgutlisetsa metsi boemong ba ona. Boemo bo theohilweng ba metsi bo theola mefuta le dibaka tsa bodulo.
Dinoka ha di hlomphe meedi ya dinaha. Bongata bo kgaola meedi ha tse ding di etsa meedi pakeng tsa dinaha. Afrika Borwa e arolelana mefuta ya dinoka le naha tsa bohaelane?
Poeletso ya Molao wa Metsi a Kopanelwang naheng tsa SADC Southern African Development Community e fana ka moralo wa tsamaiso ya dinoka tsena, ha ka nqeng e nngwe National Water Act Molao wa Naha wa Metsi o beha ditlhoko tsa matjhaba ka sehlohong ka tlase fela ha ditlhoko tsa botho?
Lefapha la tsa meru le metsi ke motshireletsi wa mehlodi ya metsi naheng. Phepetso e re tobileng ke ho laola mehlodi ena ka mokgwa o kgothaletsang ho hloka leeme, hore a dule a le teng le ho a sebedisa hantle. Hantlentle re tlamehile ho sebedisa mehlodi ya rona ya metsi ntweng ya ho se lekane, bofuma le ho se thole menyetla bakeng sa ho tswelag pele ho aparetseng setjhaba sa rona. NWRS e se e radile leano ho kgona tsena. Ke tokomane e nang le maikemisetso ho shebaneng le projeke ya maikemisetso?
Molao wa mmuso ho tloha ka 1994 o itshetlehile hodima merero e sa yeng ka leeme ya matlafatso ya moruo bakeng sa batho kaofela ba Afrika Borwa. Empa melao e mengata e teng jwalo ka e amanang le metsi, e neng e sa kgone ho fihlella ditabatabelo tsena. Pholisi ya Naha ya Metsi ya Afrika Borwa e ileng ya amohelwa ke kabinete ka 1997, e ile ya hlahiswa ka baka la tsela tse ntjha tseo mmuso lebileng, hape jwalo ka karolo e shebisitsweng ka hloko ya molao o teng wa metsi.
Molao wa naha wa metsi o latela mekgwa ya bohlokwa ya 28 le ditabatabelo bakeng sa molao o motjha wa Afrika Borwa wa naha wa metsi o hatisitsweng ka botlalo ho sehlomathiso A. Ntlha ya 7 e bohlokwa haholo, e re?
Maikemisetso a ho laola mothamo, boleng le ho tsepama ha mehlodi ya naha ya metsia naha ke ho fumana kuno bakeng sa setjhaba tshedisong ya metsi.
Ditabatabelo tse tharo tsa bohlokwa tsa ho laola mehlodi ya metsi Afrika Borwa, tse leng teng ho molao wa ditokelo tsa batho tse Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, 1996 No.
Ho fihlella toka phumanehong ya metsi, ke hore tekano phumanahong ya ditshebeletso tsa metsi, ho sebediseng mehlodi ya metsi le ho uneng ho tswa tshebedisong ya mehlodi.
Ho fihlella ntshetsopele tshebedisong ya metsi ka ditokiso tshebedisong ya metsi ka maikemisetso a ho lekanya phumaneho ya metsi le tlhokeho ya metsi le ho kenya tshebetsong ditsela tsa ho sireletsa mehlodi ya metsi.
Ho fihlella tshebediso e phethahetseng ya metsi bakeng kuno ya moruo le setjhaba.
Metsi a tla nkwa e le se sebediswa sa bohlokwa sa naha. Mmuso o tla ba mmaballi wa mehlodi ya metsi ya setjhaba mme matla a mmuso a tla nkuwa le ho sebediswa jwalo ka tshepo ya batho.
Boikarabelo le taolo ya mehlodi ya metsi matla tla nehelwa makala a mabatowa le a mahae. Ho tla ba le kemedi ho ya botona le botshehadi, morabe le setjhaba ho etsa hore bohle ba nke karolo.
Maikemisetso a molao wa metsi, e kentseng ditabatabelo tsa Pholisi ya Naha ya Metsi bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi a fannwe karolong ya 2 ya molao.
Molao wa metsi wa 1998 (No 36 of 1998) o fana hantle ka mekgwa ya motheo le maikemeisetso bakeng sa molao wa metsi wa Afrika Borwa e ntjha le ditlhahiso tsa Pholisi ya Naha ya Metsi bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi. Molao ke se sebediswa se ka sehlohong se molaong ka ha tsamaiso ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa mme o na le dipehelo tse batsi bakeng sa tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, paballo, tsamaiso le tsamaiso ya mehlodi ya metsi ya Afrika Borwa. Ke dipehelo tsena tsa semolao tse kgontshang hore ditlhahiso tsa Pholisi ya Naha ya Metsi e ke nngwe tshebetsong.
Molao ha se ona fela o ka etsang hore maikemisetso a Pholisi ya Naha ya Metsi a fihlellwe. Jwalo ka ha metsi a le bohlokwa bakeng sa bophelo, ho na le Pholisi le melao e sebediswang ke mafapha a mmuso, e laolang mesebetsi e itshetlehileng ka metsi kapa e amang mehlodi ya metsi. Tokomane ya ditshisinyo tsa tsamaiso ya dikgwerekgwe le phepelo ya metsi wa 1994 le molao wa ditshebeletso tsa naha tsa metsi wa 1997 di sebetsana le metsi a nowang le dikgwerekgwere, di amana haholo le molao 1994.
Tsamaiso ya metsi jwalo ka mohlodi wa tlhaho o ka ntjhafatswang e tlamehile ho sebediswa ho ya ka molao wa sebaka. Ke hore molao wa tsamaiso ya sebaka wa 1998 (No 107 0f 1998) mme dikarolo tseo tsa molao wa paballo ya sebaka wa 1989 (N0 73 of 1989) tse sa kang di hlakolwa ke molao wa ha jwale.
Katleho ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi e itshetlehile hodima tshebedisano pakeng tsa mekgwa ya mmuso le ho nka karolo ha basebedi ba metsi, le mekgatlo le ba nang le seabo. Bohlokwa bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi e tla lekolwa karolong e latelang, ha kamano pakeng tsa Pholisi ya metsi le molao le Pholisi le melao e meng e tla lekolwa karolong ya 5.
Dipehelo tse ngata tsa molao di a hlaloswa ha kgutswanyane tokomaneng hore ho fumanwe moelelo bakeng sa tlhaloso ya tshebediso ya ona. Pehelo ya bohlokwa, eo e leng e ka sehlohong ho fihlella maikemisetso a Pholisi, ke ho thehwa ha molao wa mmuso ho ya ka letona la metsi le moru jwalo ka moemedi wa setjhaba wa mehlodi ya metsi. (Moemedi wa setjhaba o hlaloswa karolwaneng ya 3 ya molao sheba sehlomathiso B). Tekanyo ena e rarolla bothata ba molao wa metsi wa 1956 (No 54 of 1956) o thehilweng haholo hodima mokgwa wa ditokelo tsa metsi mo o ho ke keng ha eba le mokgatlo ofe kapa ofe o nang le matla metsing a Afrika Borwa. Ho tshepala ha setjhaba ha ho bolele hore metsi ke a mmuso, molao o ananela taba ya hore metsi ke mohlodi wa tlhaho le hore ke boikarabelo ba letona hore metsi a fumaneha hohle naheng. Boikarabelo bona bo kenya ho etsa bonnete ba hore metsi a ajwa ho ya ka toka le hore sebaka se a hlonetjhwa?
Molao o hloka hore leano naha la mohlodi wa metsi ho ho etsa maano, maikemisetso, meralo, le tsamaiso ho ka ditlhopiso tsa letona tsa tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, paballo, tsamaiso le tsamaiso ya mehlodi ya metsi ?
Ditlhoko tsa molao di hlaloswa karolong ya 5, 6 le 7 tse hlahisitsweng ka botlalo ho sehlomathiso sa C?
Molao o hloka hore letona le thehe leano la naha la tsamaiso ya metsi (NWRS) le ho hatisa ho lesedi la tsebo la Government Gazzette?
NWRS e tlameha ho fana ka dintlha ka ha ditsela tseo mehlodi ya metsi e tlang ho laolwa ka teng le ho thehwa ha makala. O tlamehile le ho fana ka dipalopalo tsa dintlha ka ha boteng ba ditlhoko tsa ha jwale le nako e tlang bakeng sa metsi tse 19 (sheba karolo 2, Setshwantsho sa 2.2 karolong ya 5 Kgaolong ya 3 le sehlomathiso sa E). Le ho etsa ditlhahiso ka ha mokgwa o o di ka hlahlojwang. NWRS e tlamehile le ho lekanya dikarolwana tsa metsi a fumanehang dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse tlasa tsamaiso ya letona ho ya ka bokarabelo ba hae?
Merero ya leano la naha mehlodi ya metsi.
Moralo wa leano la naha bakeng sa ho tsamaisa mehlodi ya metsi.
Kamorao ha hore NWRS e thehwe e tla nehelana ka moralo oo ka ona mehlodi ya metsi e tlang ho laolwa ka teng naheng, hobane karolo ya 5 ya molao o hlalosa hore mehlodi ya metsi ya Afrika Borwa e tlamehile ho sireletswa, ho sebediswa, ho e ntshetswapele, ho baballwe le tsamaiswa ho latela NWRS?
Leha NWRS e tla ba moralo o boima bakeng sa tsamaiso ya dibaka tsa mehlodi ya metsi, o ka nna wa fetolwa mane le mane ho tsamaisana le maemo. Ditokiso tseo di tla etswa ho ya ka kopano le setjhaba le batho ba nang le seabo. Ditekolo di tla etswa hang dilemong tse hlano?
Leano la tsamaiso ya sebaka sa metsi ke moralo wa tsamaiso ya mehlodi ya metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi. NWRS e fana ka moralo maanong a tsamaiso ya metsi a tlang ho kenngwa tshebetsong ka tsela e tshwanang naheng, ho ya ka karolo ya 9(b), leano la tsamaiso ya metsi le tlameha ho tshwana le NWRS. Ho lebelletswe hore lesedi le dintlha tse kgobokantsweng nakong ya ntshetsopele ya leano la tsamaiso ya phepelo ya metsi le nehelane ka moelelo tekolong ya NWRS, hore e dule e na le moelelo maemong a selehae?
Ka hona karolo ya bohlokwa ya NWRS ke dintlha le lesedi tse ho nehelanweng ka tsona kgaolong ya 2 le ho sehlomathiso sa D, e hlalosang ho ba teng ha metsi le ditlhokeho tsa metsi sebakeng se seng le se seng sa tsamaiso ya metsi. Ho tlamehile ho elwa hloko dintlha ka ha boikarabelo ba letona bo kgontshang hore mothamo wa metsi bakeng sa tsamaiso ya phepelo o tlang ho ba ka teng?
Ho ya ka tlhokeho bakeng sa tsamaiso ya setjhaba e nang le boikarabelo mafapheng ohle a mmuso, molao o hloka hore letona le netefatse dintlha tsohle tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi tse tlang ho amana le ditho tse ding tsa mmuso, le ho hlokomedisa basebedisi ba metsi le setjhaba ka kakaretso. NWRS ke sebediswa seo e leng hore setjhaba sa Afrika Borwa se a bolellwa ka ha maikemisetso a letona mabapi le tsamaiso ya mehlodi ya metsi. Tlatselletso efe kapa efe ho NWRS e tlamehile ho phatlalatswa bakeng sa fumaneha?
Ttlatselletso ho NWRS e ka thehwa ha fela letona le kgotsofetse hore e mong le e mong ya labalabelang ho sisinya ka leano le seng le boletswe o fumana monyetla ho etsa jwalo, hore ditlhahiso di loketswe ka hloko mme diphethoho tse tlang ho ba teng di kenyelleditswa leanong?
Lesedi le teng le o ho nehelanweng ka lona ho NWRS bakeng sa tsamaiso ya metsi karolong ya 2 le ho dikarolwana tsa sehlomathiso sa D le kgontsha ho hlwaya dibaka ka hara naha moo mehlodi ya metsi e leng teng bakeng sa ho tshehetsa leano la ntshetsopele le moruo, le dibaka tseo ho tsona mehlodi ya metsi e ka bang le tshitiso tswelopeleng?
Sehlomathiso sa D se fana ka leano le batsi bakeng sa sebaka sa tsamaiso ya metsi se ka sebediswang ka teng. Hona ha ho bolele hore ho hlakile le hore ke ditshitiso tse feng tse tlang ho batlisiswa ka botlalo ha ho ntse ho ntshetswapele le ho hlakisa maano a tsamaiso ya phepelo ya metsi?
Ho tlamehile ho hlakiswa hore maikemisetso a NWRS ke ho tsamaisa sebaka sa tsamaiso ya metsi ho ya ka tsela ya naha. Lesedi leo ha le a lokela kapa hona ho sebediswa bakeng sa ho rala diprojeke. Hona ho tlamehile ho batlisiswa ka ho sebedisa dintlha tse hlakileng jwalo ka ntlha ya kamoo molao wa sebaka o tlamehileng ho ba ka teng?
Tlhoko tsa tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi e hlaloswa ho Pholisi ya Naha ya Metsi. Ho ananetswe molao o hlalosang kamoo metsi a nang le dibopeho tse ngata kateng.
Ho na le kutlwisiso matjhabemg hore mehlodi ya metsi e ka tsamaiswa ka katleho ha fela maemo a tlhaho, setjhaba, moruo, le a politiki a tsotellwa.
Tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi (IWRM) e ka hlaloswa jwalo ka mokgwa o bakang ntshetsopele le tsamaiso ya metsi, naha le mehlodi, le tlhokomelo ya setjhaba ho ya ka toka ntle le ho sa senye tlhaho. Tsamaiso ya mehlodi ya metsi e leka ho fumana tekano pakeng tsa tshebediso ya metsi bakeng sa ho iphedisa le paballo ya mohlodi bakeng sa ntshetsopele ya mesebetsi e latelang, kgolo ya meloko e tlang ho hodisa moruo. Hobane mehlodi e sena ho tsamaiswa ntle le tshebedisano mmoho le setjhaba ho tla shejwa mekgwa e ka etswang ho fihlella tsamaiso e tsepameng.
Metsi a hlwekileng a na le mekgwa e mengata e tshepodi ya tlhaho. Metsi a ka hodimo, metsi a ka mobung, bongata le boleng, a hokahantswe le pula le didiba bakeng sa kenella mobung le moafalo. Karolo ka nngwe e ka ama dikarolo tse ding mme di tlameha ho laolwa ho ya ka dikamano tsa tsona.
Metsi ke motjha o kopanang le metjha e meng. Tshebediso ya naha, tshenyo ya metsi le tshilafatso ya moya di ka ba le tshwaetso e kgolo ho boteng le boleng ba metsi bakeng sa ho sebediswa ke batho, ha kgulo le poloko ya metsi le tshollo ya dikgwerekgwere ho ya mehloding ya metsi e ka bakang tshenyo ho boleng ba sebaka sa tlhaho. Dikamano tseo di tlameha ho lekolwa le ho lokiswa ke balaodi ba mehlodi ya metsi.
Ha re shebisisa, metsi a tlameha ho laolwa ho ya ka kutlwisiso ya bohlokwa ba ona bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba le moruo.
Ho tlameha ho hopolwa hore Afrika Borwa e arolelana dibaka tse nne tse kgolo tsa metsi, tseo mmoho e ka bang dipersente tse 60 tsa sebaka sa didiba. Pholisi ya naha e fa dinaha tsa bohaelane dikamano tsa maemo a hodimo bakeng sa karolelano le dinaha tsa matjhaba, Pholisi ya naha e etsa hore ho tsamaisanwe le melao ya matjhaba. Moralo ona ikahamanya le wa matjhaba..
Moralo wa tshebedisano mmoho le tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Bothata ba ho laola metsi jwalo ka motjha le kopano ya ona le metjha e meng e kopantswe ke makala le mekgatlo e meholo. Matjhaba le lehae a rarollwa tsamaisong ya metjha e fapaneng.
Lefapha la metsi le moru ha jwale le ikarabella tsamaisong ya mehlodi ya metsi maemong a naha. Molao o hloka hara lefapha ho etsa bonnete ba hore mananeo a ona ho ya ka Pholisi ya mmuso a hokahanngwe mmoho le mananae bakeng sa mafapha a mang a mmuso (sheba karolo ya 5). Ho le jwalo, mafapha a mang a na le boikarabelo ho etsa hore mo ho hlokahalang mananeo ho elwa hloko maemo a metsi Afrika Borwa. Hona ho bohlokwa haholo ha ho ralwa dintshetsopele tse itshetlehileng ka metsi bakeng sa katleho. Nakong ena boteng ba metsi bo tlamehile ho hlahiswa meralong ho qaleng ha ntshetsopele. E ngwe ya maikemisetso a NWRS ke ho nehelana ka dintlha tse lekanang ka ha mehlodi ya metsi ho thusa moralong le ho theha motheho bakeng kgokahanyo pakeng tsa balaodi ba mohlodi wa metsi le banthsetsipele dikarolong tse ding?
Ho ya ka molao le NWRS lefapha le maemong a ho theha mafapha a 19 a phepelo ya tsamaiso a metsi, tse tlang ho sebetsa bakeng tsa tsamaiso ya metsi, ho laola mehlodi ya metsi lebatoweng. Mafapha a na a tla ba le boikarabelo, hara tse ding ho etsa bonnete ba hore ho na le tumellano pakeng tsa meralo ya metsi le mananeo mme mananeo le meralo a tsamaiso ya phepelo ya metsi a laolwa ka tshwanelo. Mafapha a tlameha ho theha dikamano tsa tshebedisano mmoho le ba nang le seabe, ho kenyelleditswe makala a mang a tsamaisang metsi, ditshebeletso tsa metsi, balekgotla ba provense le ba mmuso wa selehae, setjhaba, basebedisi ba metsi ho tswa diindasetering tse kgolo ho ya banosetsing ba ikemetseng le ba bang?
Katleho ya mehlodi ya tsamaiso ya metsi e itshetlehile ke hona haholo hodima ntshetsopele ya moralo ya tshebediso mmoho pakeng tsa makala, mekgatlo le ba bang. Moralo wa tshebedisano mmoho o tlamehile ho kgothaletsa diprojeke tse kang tsa matjhaba ho ya mesebetsing ya kgwebo tse nyane.
Tsamaiso ya mehlodi ya metsi e hokahantsweng, bofuma le botona le botshehadi.
Tsamaiso ya mehlodi ya metsi e hokahantsweng, bofuma le botona le botshehadi ha di fane ka tharollo ka botlalo mekgweng kaofela ya bofuma, empa ha ho leano bakeng sa bofuma le ka atlehang ha fela le sa kenyelletsa maano bakeng sa ho laola metsi. Phepelo ya metsi le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere ke karolo ya bohlokwa bakeng sa ho ka kenya letsoho ho fediseng bofuma hobane e rarolla dintlha ka ha maphelo, le bohlweki, le boikitlaetso bo hlokahalang ho fumaneng le ho rwala metsi mahaeng hangata ho tswa mehloding e silafetseng ya metsi. Ho nehelaneng ka ditshebeletso tse sa lefellweng ho kgontsha hore theko ya metsi e be fatshe bakeng sa bafumanehi. Ditshebeletso tsa metsi ha di etse hore batho ba kgone ho iphedisa.
Bafumanehi ba mahaeng, bao bongata ba bona bo senang phepelo ya metsi le ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere e tsititseng, mme hangata ba tshepile ho iphedisa ka ho jala dijo, ho thonaka dihlahiswa tsa hlaho le mesebetsi e itshetlehileng ka metsi. Empa mehlodi ya bona ya metsi hangata ha e ya tsitsa le hona ho lekana, mme e hlotjhwa ke komello le dikgohola, mme e hoholwa ke ditswelopele tseo e seng tsamaiso ho tsona.
Afrika Borwa metsi a nkuwa a le molemo bakeng sa setjhaba, sebaka le moruo. Leha ho le jwalo, kamorao hore ditlhoko tsa batho le ditlhoko tsa ho boloka tlhaho di kgotsofatswe, ho tla ba le diphehisano tsa ho fumana metsi a teng. Ho bohlokwa hore Pholisi ya metsi e ke nngwe tshebetsong ka ditsela tse nehelanang ka ho etsa hore bafumanehi ba kgone ho fihlella ditlhoko tsa bona le ho hore ba nehwe sebaka sa ho ba le seabo diqetong tse ba amang.
Hore dintlha tsa toka di rarollwe ka katleho tsamaiso ya mehlodi ya metsi e hokahantsweng le bofuma e tlameha le ho shebana le banna le basadi ke hore, ho bolela hore banna le basadi ba lekgotla, molao, le mekgwa e hlokahalang ho ba kgontsha ho nka karolo tsamaisong ya mehlodi ya metsi ka ho lekana. Ho bonahetse ho tswa matjhabeng le thutong ya selehae hore maano a ho tlosa bofuma a tswella ke ho nka karolo ha basadi maemong a mangata a tsamaiso ya metsi?
Banna le basadi ba tlisa ponelopele le ditlhahiso tsamaisong ya metsi, mme ba bapala karolo tse fapaneng tse bohlokwa. Leha ho le jwalo hona le ho se lekaneng ho teng pakeng tsa banna le basadi maemong a bona a thuto le tshusumetso eo ba nang le yona mme ho se lekane hona ho tlameha ho lokiswa maanong ho kgontsha dihlopha tse pedi ho nka karolo ho nkweng diqeto. Basadi ba batho ba batsho ke bona sehlopha se sehollwang Afrika Borwa. Ho tlameha ke hona ho etswe hore basadi ba be le seabo tsamaisong ya mehlodi ya metsi ho etsa bonnete ba hore tsamaiso ya metsi e phethisa ditlhoko tsa bona.
Kelo hloko e a batlahala bakeng sa tlhabollo tse amanang le metsi, e ka ba kahong ya meaho kapa tsamaisong ya ditlhoko, ho tlamehile ho elwa ditjeho le kuno ho banna le basadi, le ho etsa bonnete hore sehlopha se seng ha se une ka se seng. Ho tlameha ho toboketswa hore ho teng basadi dibakeng tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi le ho ntshetsopele ya Pholisi. Ha ho bonolo ho arola dintlha tsa bofuma, morabe le botona le botshehadi, empa ho bohlokwa ho utlwisisa kamoo ba ka sebedisanang ka teng. Tsela ya kgokahanyo ya ho laola mehlodi ya metsi e tla thusa ho aha setjhaba se senang bofuma le ho kgeswa.
Tikoloho e bolela: Tikoloho ke moo batho ba phelang, mme e etswa ke i Naha, metsi le moya lefatsheng ii Dikokwana tse nyane, dimela le diphoofolo iii Karolo efe kapa efe kapa kopano ya i le ii le ho itshetleha hara le pakeng tsa tsona le iv Dikhemikale, Aesthetic, le dikaho tsa tlhaho le maemo a tshusumetsang bohlweki ba motho Molao wa Naha wa tsamaiso ya Tikoloho, 1998, Dithlaloso, Karolo 1 xi?
Tlhaloso ya molao wa tshebediso ya metsi (karolo ya 21) e tshopodi. Molao oo o ka ha ho lekangwa ho itseng ha tshebediso ya metsi, le tshebediso e amang le boleng ba metsi le boleng ba mohlodi ka bo ona. Ha le hantle, tshebediso ya metsi e kenyelletsa kgulo le poloko, le mekgwa kaofela ya tshollo ya dikgwerekgwere ho ya mehloding ya metsi e etsa diphetoho sebopehong sa dinoka le melapo, le bakeng sa tshebediso ya metsi e kenyelletsang mehlodi e itshetlehileng ka mobu e ka amang boleng le boteng ba metsi mehloding. (Ho fokotsa ha ho phalla ha melapo, le ho laolwa jwalo ka fehlo ya motlakase ka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere naheng). Tshebediso ya metsi e hlaloswa haholo ka botlalo karolong ya 2 ya kgaolong ya 3.
Ho ya ka NWRS ho tsamaiswa ho sebediswa ha kgutswane bakeng sa melao e le ho sireletsa; ho sebediswa; ho ntshetswapele, ho bolokwa, ho tsamaiswa le ho laolwa?
Tokomaneng ena mantswe a kang ho kenya tshebetsong molao, ho kenya tshebetsong dipehelo tsa molaoa sebediswa ha kgutswane bakeng sa ho kenya tshebetsong Pholisi ya metsi ka dipehelo tsa molao wa metsi.?
Pholisi ya 1994 wa phehelo le tsamaiso ya dikgwerekgwere wa metsi o shebaneng haholo le seabo sa lefapha ho faneng ka ditshebeletso tsa setjhaba bakeng sa malapa, e shebisitswe ho arabela bakeng sa ho qetwa ha diphetoho tsa mmuso wa lehae le ho thehwa ha moralo wa molao wa mmuso le lehae. Mmuso wa lehae o ka nka boikarabelo ba tshebetso ba matla a Molao wa Motheo bakeng sa metsi le tshebeletso ya dikgwerekgwere, mme le lefapha le tlameha ho fetoha ho ba monehelani wa ditshebeletso ho ba moetellipele wa karolo, molaodi le ho ba motshehedi. Leano la moralo wa ditshebeletso tsa metsi o ile wa dumellwa ke kabinete ka Lwetse 2003. E behile tsela e batsi ya ho nehelana ya ditshebeletso tsa metsi ho lwantsha sepha ho nehelaneng ditshebetso tsa metsi le hlabolla maemo a tshebeletso ho ya ka maikemisetso a Leano la kahobotjha le ntshetsopele. E shebane le ntshetsopeleng ya moralo o tshehetsang wa boikarabelo ba mmuso wa lehae. Tokomane kaha tsamaiso ya dikgwerekgwere e tla fetolwa ho etsa hore e dumellana le moralo wa leano?
Tsela ya noka: bao ba nang le naha pela dinoka le melapo ba na le ditokelo (empa e seng ho beng le karolwana ya metsi e theohelang ka yona). Bao ba neng ba ena le lefatshe le neng le hula metsi ka tlase ho lefatshe ba ba ena le tshebediso e ikgethileng ya metsi. Hona ho e le metsi a poraefete, moo e leng hore mmuso o ne o ena kapa o sena tsamaiso.
Molao o nehelana ka mesebetsi le bikarabelo ho letona, empa le dumellwa hore a nehelane ka matla ho ba bang. Sheba karolo ya 5 ya kgaolo ya 3.
Boikarabelo ba letona bo kenyellets polokelo, metsi ho phethisa ditlhoko tsa nako e tlang (Tse ka, hlokang ho dithommelo tsa metsi pakeng tsa tsamaiso ya dibaka tsa metsi) le tshebediso ya metsi ya bohlokwa.
Ho phahamisa basadi le ho tswellisa tekano pakeng tsa basadi le banna.
Ho fokotsa ho shwa ha bana ba ka tlasa lemo tse hlano ka pedi tharong.
Ho fokotsa ho shwa ha bana ba sa tswa tswala ka koto tse tharo.
Ho lwantsha tshwaetso ya mahloko a bolayang haholo jwalo ka HIV/AIDS (Phamokate) le lefu la malaria?
Ho etsa bonnete ba hore sebaka se hlwekile. Theha setswalle le matjhaba bakeng sa ntshetsopele, le maikemisetso a thuso, kgwebo le tlhakolo ya molato wa ditjhelete.
Moralo wa leano la tshebetso la Johannesburg (JPOI) e tjhaetse monwana Millenium Development Goals (maikemisetso a tlhabollo a mongwaha kgolo) bakeng sa metsi mme le dumela ho rala maano a tsamaiso e hokahantsweng ya mehlodi ya metsi ka kgato tse latelang?
Ho kenya tshebetsong le ho ntshetsapele maano a lebatowa, meralo le manane ho ya ka mabopo a hokantsweng a dinoka le tsamaiso ya metsi a mobung ho hlahisa mekgwa ya ntlafatso ya tshebediso ya metsi.
Maikemisetso a Pholisi ya NEPAD ka ha metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere?
Ho etsa bonnete ba hore ho na le mokgwa o motjha wa ho nosetsa temong ho hlabolla tlhahiso le poloko ya dijo.
Maikemisetso a Afrika e Borwa kaha metsi, bophelo le maemo ka ngwaha kgolo ya 21st century?
Afrika e Borwa e nang le tekano, ntshetsopele ya moralo, tshebediso, ntshetsopele le tsamaiso ya mehlodi ya metsi bakeng sa twantsho ya bofuma, ntshetsopele ya moruo le ya se lehae le naha, tshebedisano ya lebatowa le kgokahanyo, le maemo.
Afrika Borwa boholo ba yona ke sebake se batlang se omme lefatsheng. Maemo a boemo ba lehodimo bo fapana ho tswa ho beng lehwatata ho ya ho beng lehwatata hanyane ka bophirimela ho ithatika le sebaka se lebopong le ka botjhabela ba naha ka pula e etsang 450mm (mm/a) tlase ha ho bapiswa le naha ka nngwe lefatsheng e ka bang 860mm ka selemo (mm/a), ha moyafalo o le hodimo. Ka hona, mehlodi ya metsi Afrika Borwa ho ya ka boemo ba lefatshe e a hlokeha, ka ha e le menyenyane. Naha ha e na dinoka tse kgolo mme ha mehlodi kaofela e kopangwa e lekana le 49 000 million ya dikotara tse tharo ka selemo (m3/a), halofo e ka etsang noka ya Zambezi, e haufi le Afrika Borwa. Metsi a mobung a bapala karolo ya bohlokwa haholo phepelong ya metsi mahaeng. Hobane ho tletse majwe Afrika Borwa, ke fela dipersente tse 20 tsa metsi a mobung tse teng diphehlelong tsa metsi a ka sebediswang ka bongata?
Ka baka la maemo a tlase a phepelo ya metsi a jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong sa 2.1 boteng ba metsi ho haola le naha ha bo a lekane. Maemo ao a bakwa ke ho lobokana ha nako tsa dipula naha ka bophara. Ka hona didiba di a fapana. Phallo ya melapo dinokeng tsa Afrika Borwa e tlase ka dinako tsohle. Phallo e tlang kgafetsa e fokotsa ho phalla ho lekaneng ha molapo o ka sebediswang. Diketsahalo tsena kaofela di na le seabo ho dikoduwa tse etsahalang tse bakwang ke mets, i tse kang merwallo le komello (sheba karolwana ya 7 ya karolo ya 3). Hona ho senya maemo ho ya pele, ntshetsopele ya metse meholo le diindasteri, le dibaka tsa baipehi tsa mahaeng moo ho subuhlelanweng, tse thehilweng dibakeng tse maemo a tlase ho tswa metsweding e meholo, ka baka la diminerale kapa maemo a sepolotiki a kgale. Ka hona metsi mabopong a dinoka tse itseng a feta ditlhoko tsa metsi a fumanehang tlhahong, ho phahlalatswa le ho romelwa ha metsi dibakeng, ho kentswe tshebetsong dilemong tse leshome tse fetileng.
Dinoka tse nne tsa Afrika Borwa di arolelanwa le dinaha tse ding. Tsona ke Limpopo, Inkomati, Pongola (Maputo) le Orange (Senqu), tsena kaofela di hula dipersente tse 60 tsa sebaka sa naha mme se kenye letsoho ho didiba ka dipersente tse 40. Dipersente tse ka bang 70 tsa tlhahiso ya (GDP) metsi naheng di tshehetswa ke dinoka tsena, ka hoo dinoka tsena ke tsa bohlokwa ho Afrika Borwa.
Ho theha tsamaiso ya mehlodi ya metsi, naha e arotswe ka dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 19 tse hlaloswang ka botlalo karolong ya 5 tsa kgaolo ya 3.
Ho se lekane pakeng tsa ho hlahella le ditlhoko tsa metsi di hlakile ha ho bapiswa le palo tse hlahiswang kgaolong ena bakeng sa tsamaiso tse fapaneng tsa metsi. Ho tse 19 tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi ke fela tsamaiso ya Mzimvubu ho ya ka Keiskama se sa hokahangwang le dibaka tse ding tsa diphitiso tsa metsi. Ho kopangwa ha phepelo tsa metsi ho fana ka moelelo ho molao wa metsi, o etsang metsi kapa o qollang metsi e le mohlodi o moholo naheng. Dibaka tse 11 ho tse 19 tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi di arolelana dinoka tsa matjhaba.
Sebaka le madiboho a fapaneng a dibaka tsa tsamaiso ya metsi, hammoho le phepelo tsa metsi tsa dibaka tsa tsamaiso di bontshwa ho setshwantsho sa 2.2. Dipalopalo tse ka sehlohong bakeng sa se seng le seng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi, le tlhaloso e batsi ya leano la tsela tsa meralo di a latela kgaolong ya 6 ya molao. Tlhaloso ka botlalo ka ha seo e ka fumaneha ho sehlomathiso sa D, moo dikamano pakeng tsa National Water Resource Strategy (NWRS) le leano la tsamaiso ya phepelo ya metsi di hlaloswang?
Setshwantsho sa 2.2.
Ho ile ha qojwa diphoso ha ho ne ho kopangwa dintlha le nehelano ya dipalopalo tsa ho ba teng ha metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi, le ho nehelano ho ya ka ditlhoko tsa metsi tsa mafapha a basebedisi. Ho bohlokwa ho ela hloko hore dintlha tseo ho nehelwaneng ka tsona ho NWRS di ile tsa sebediswa ho hlwaya dibaka moo ho nang le ho se lekaneng ho teng ha metsi le ho hlokahala ha metsi le ho thusa jwalo ka motheho bakeng sa ho rala maano a qaqileng ho lekola maemo dibakeng tsa tsamaiso ya metsi. Dintlha ha di a fella hakalo ho lekanya metsi dibakeng tse nyane, kapa hona ho lokisa ditlhoko tsa basebedisi ba metsi dibakeng tseo. Mosebetsi o maemong a hodimo o tlamehile ho etswa ke makala a ikemetseng a tsamaiso ya metsi ho raleng maano bakeng sa ho aba mehlodi ho basebedisi. Ka hona maano a o ho fannweng ka ona kgaolong ena a tshopodi, ha a ho sehlomathiso sa D e le a ditlhokeho tsa dibaka tse 19 tsa tsamaiso ya metsi. Sehlomathiso D se sebetsa jwalo ka motheo mosebetsing wa ntshetsopele ya maano a tsamaiso ya metsi?
Ho ba teng ha dintlha ka ha sebaka sa tsamaiso ya metsi ha a ho bolele metsi a abelwng makala a ikemetseng a tsamaiso ya metsi a o ho buuwang ka yona karolong ya 23 ya molao.
Papiso ya diketsahalo tsa tlhaho tsa metsi a setjhaba le diketsahalo tsa moruo maemong a sebaka sa tsamaiso ya metsi a hlahiswa ho setshwantshong sa 2.3 se bontshang hantle maemo hara dibaka tsa tsamaiso ya metsi. Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Crocodile West le Marico ke mehlala e kenyang letsoho haholo tlhahisong ya naha ya metsi selemong ka seng hape e le sebaka se nang le palo e tlase ya didiba ka selemo. Empa sebaka sa Mzimbuvu ho ya Keiskamma se hlahisa palo e tlase leha e le sebaka sa tsamaiso se nang le didiba tse ngata naheng.
Ntshetsopele ya mohlodi ya metsi le tsamaiso Afrika Borwa e tswelletse ka dilemo ho fihlella ditlhoko tsa tjhaba se holang le moruo o phetseng hantle. Leha tlhaho e sitisa, tlhabollo tsena di etsahetse ka baka la ho amohela hore metsi ke phahlo ya setjhaba e dumellang ho ka fetisetswa moo e hlokahalang teng bakeng sa kuno. Afrika Borwa ha jwale e hlwauwa ke matjhaba e le pele ka leano la yona la molao wa metsi le tsela eo e tsamaisang mehlodi ya metsi ka teng.
Mehlodi e lekaneng ya metsi e ntsheditswepele ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa setjhaba di a fihlellwa ntle le tshitiso ya tswelopele ya moruo wa naha. Mabaka a mathata a itseng a akareditswe kgaolong ena le ho sehlomathiso sa D?
Molao wa pele o neng o hokahanya ho fumanwa ha metsi le ho ba le lefatshe, ke bona bothata ba ho se lekane tshebedisong ya metsi setjhabeng. Ho nne ho etsahala hore ho se be metsi a nowang ho tswa mehloding. Hona ke ka ho se be teng ha maemo a lokileng le ditjelete bakeng sa ho fana ka tshebeletso, leha hona le mehlodi e lekanang haholo metsing a mobung dibakeng tsa mahaeng. Ho lokiseng maemo ho ka sehlohong ho lefapha la metsi le moru ka tshebedisano mmoho le mafapha a mang a mmuso le makala. (Sheba karolo ya 5).
Ho fihlella ditlhoko tse holang tsa naha tsa metsi, mehlodi ya metsi e tswetsweng pele e a sebediswa dibakeng tse kgolo tsa naha. Ka baka la mekgatlo e mengata e laolang matamo le melatshwana, ho hulwa ha metsi le phallo ho ya dinokeng ha mmoho le ho angwa ke tshebediso ya lefatshe, phallo phallo e dinokeng di fetohile.
Setshwamtsho 2.3 Papiso ka didiba selemong, lenane la setjhaba le diketsahalo moruong ho ya ka sebaka ka seng sa tsamaiso ya metsi.
Maemong a mang a bakile ho putlama ha boleng ba metsi le maemo a bophelo hara dinoka. Ho fetoha ha moruo le tswelopele ya setjhaba ho baka ho ya tlase ha maemo a dinoka, ha fela maemo ana a sa lokiswe ka nako. Ho a bonala hore lemo tse fetileng tshebediso ya metsi a mobung bakeng sa ho nosetsa e eketsehile dibakeng tse ding (sheba ntlha ya 3, setshwantsho sa 2.2 tlase). Ho beng teng ha merafo ho amme mehlodi ya metsi a mobung, e diha boleng ba metsi. Leano la NWRS ke ho sebedisa mehlodi ka tsela e lokileng. Maikemisetso a NWRS ke ho etsa bonnete ba hore ho na le phepelo e lekaneng ya metsi molemong wa setjhaba le naha. Hona ho tlameha ho fihlellwa moralong o sireletsang mehlodi ya metsi jwalo ka ha ho hlalositswe karolo ya 1 ya kgaolong ya 3?
Metsi a boleng bo tlase ka tlhaho, a fokotsang tshebediso ya ona, a hlahella dibakeng tse itseng. Hona ho etsahala ho metsi a ka hodimo le a mobung. Moo ho kgonahalang tsela tsa tsamaiso di ka sebediswa ho ntlafatsa boleng ba metsi ho ba maemong a lokileng bakeng sa ho sebediswa.
Hobane ho ile ha tadingwa fela le ntshetsopele ya mehlodi e metjha ha tlhokeho e eketseha, ka ha metsi a mangata a sa sebetsang a ne a fumaneha, tshebediso ya metsi ha e soka e fetoha ho ba maemong a loketseng jwalo ka ka tsamaiso ya mehlodi. Tshebediso ya metsi e tlameha ho hlabollwa kaha ho ena le maemo a hodimo a mohlodi wa metsi. Lefapha le ntse le rala lenane la paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi eo e leng karolong ya NWRS. Kahoo meralo e tla hlahiswa ho etsa hore tshebediso ya metsi naheng e lokileng e be teng. Meralo ena e tla kenyelletsa phepelo ya metsi ho tswa kunong e tlase ya tshebediso ho ya ho e hodimo?
Ha fela mehlodi ya metsi Afrika Borwa e tsamaiswa hantle mme e ajwa hantle, metsi a lekaneng a boleng bo lokileng a tla ba teng bakeng sa moruo, maemo a lokileng le tlhaho le bakeng sa moloko o tlang. Maikemisetso a NWRS ke ho kgothalletsa le ho hlabolla tsela tsa ho etsa hore tshebediso ya mehlodi ya metsi ya naha e tswelle pele nako e telele?
Afrika Borwa e itshetlehile haholo mehloding e ka hodimo bakeng sa metse ya ditoropong, diindasteri le ho nosetsa ka kakaretso, mme mehlodi ya metsi a ka hodimo e hlabollotswe ka hara naha. Matamo a ka bang 320, le leng le le leng lena le bokgoni ba phepelo bo fetang 1 million cubic metres, a na le le 32 400 million cubic metres tsa metsi (sheba setshwantsho sa 2.1), a lekanang le dipersente tse 66 tsa didiba ka selemo. Leha metsi a mobung a sebediswa haholo mahaeng le dibakeng tse ding tse omeletseng, palo ya teng e ba tlase ka baka la ka ho tlala ha majwe ao a leng thata. Dipeipi tse kgolo tse fehlang metsi di dibakeng tse seng kae?
Ho dibaka tse leboya tsa naha (dibaka tsa tsamaiso tsa metsi ho tloha ho 1 ho ya ho 5 le ho tloha ho 8 ho ya ho 10), mehlodi ya metsi a ka hodimo le e mobung e se e tla phethelwa ho hlabollwa le ho sebediswa. Tshebediso e bohlaswa e etsahala bakeng tse ding. Ha ka dibakeng tse borwa-botjhabela tsa metsi tsa naha (Dibaka tsa tsamaiso ya metsi ke 11; 12 le 13) hona le ho se tswelepele le tshebediso e tlase ya mehlodi.
Palo ya didiba ka selemo ya Afrika Borwa e ka tlasa maemo a tlhaho (Ho sena ntshetsopele), e lekanngwa le 49 000 million m3/a, e kentseng 4 800 million m3/a le 700 million m3/a ya metsi a hlahang ho tswa Lesotho le Swaziland, a phallelang ho Afrika Borwa. Phallelo ho tswa naheng tsa boahelani ho ya dinokeng tse Afrika Borwa di beilwe ka thoko, mme palo ya metsi a didiba ka selemo e bontsha maemo a metsi a hlwekileng nakong e tlang a mehlodi ka hara naha. Karolwana eo e hloka hoba dinokeng ka baka la dithloko tsa tlhaho tsa polokelo, (sheba karolwana ya 1 ya karolo ya 3) ha karolwana fela e setseng e bolela ho sebediswa ka tsela e lokileng. (Sheba lebokoso la 2.1 bakeng sa tlhaloso ya tlhahiso)?
Lebokoso la 2.
Tlahiso ho tswa mohloding wa metsi ke mothamo o ka hulwang ka tsela e itseng nakong e itseng (e hlahiswa ka million m3/a bakeng sa NWRS). Bakeng sa lehae, diindasteri le merafo tshebediso ya metsi e ya hlokahala selemo ho pota, ha nosetso yona e sebedisa metsi a mangata ho ya ka nako tsa selemo. Ka baka la ho se tsepame ha ho phalla ha melapo Afrika Borwa, jwalo ka ha ho bontshitswe ka kgwedi tse 12 setshwantshong se tlase, tlhahiso e ka hulwang ho tswa nokeng e seng tlasa tsamaiso e lekana le phallo e tlase ho ya nokeng. Ka ho tsamaisa phallo ya molapo ka mokgwa wa matamo, metsi a ka bolokwa nakong tsa phallo e hodimo bakeng sa ho lokollwa nakong ya phallo e tlase jwalo ka ho bontshitswe setshwantshong. Hona ho eketsa tsela eo metsi a ka hulwang ke yona. Metsi a mangata a bolokwang a bolela metsi a mangata a ka hulwang nakong tse itseng?
Setshwantsho se bontshang phallo ya molapo le poloko.
Hobane pula, didiba le phallo ya melapo di fapane lemo le selemo, phallo tse tlase ha di tshwane. Metsi a ka hulwang ntle le bothata (tlhahiso) a fapane lemo le selemo. Metsi a ka hulwang bakeng sa 98 ho tswa ho lemo tse 100 e hlalositswa jwalo ka tlhahiso ya persente tse 98 ya tiisetso ya phepelo. Ho hlakile hore ka mora lemo tse ding le tse ding tse pedi ho tse lekgolo ho tla etsahala hore ho se be le phepelo ya tlhahiso. Bakeng sa maemo a noka le mohlodi wa metsi, ho ba teng ha phepelo ya metsi (kapa ho ba teng ha ho hloleha hona ho ka mammellwa). Ho ba teng tlhahiso e nyane e ka hulwang. Methamo kaofela e lekantswe ho ya dipersenteng tse 98 bakeng sa NWRS hore ho be le papiso. Hona ho bohlokwa hobane ditlhahiso kapa tlhoko ha di lokela ho bapiswa ka nako tse fapaneng tsa phepelo, empa maemo a tlameha ho ba hantle?
Metsi a teng, ho bolelwa metsi a ka bang teng bakeng sa tshebediso. Tlhahiso e teng e kenyelleditse mehlodi ya metsi a ka hodimo le a mobung mmoho le diphehiso ho hlahisa phallo tse ka sebediswang ho tswa melapong e sa sebedisweng. Metsi a teng a kenyelleditse tlhahiso ya lehae le metsi a tswang dibakeng tse ding?
Khutsufatso ya didiba selemong le ho lekanngwa ha ditlhokeho bakeng sa karolo ya dikamano bophelong tsamaisong ya polokelo ya metsi e fumaneha setshwantsho 2.1 hammoho le bokgoni ba matamo a maholo a phepelo e sa tloleng milione ya cubic metres sebakeng ka nngwe. Ha ho lekanngwa metsi a fumanehang bakeng sa ho hulwa ho ile ha nahanwa hore ho boloka metsi a phalla ka nako tsa komello ho tla ba le seabo tlhahisong ya metsi polokelong (Reserve). Tsena ke dipalo fela tsa sebaka ka seng sa tsamaiso ya metsi, ka mantswe a mang di bontsha metsi a hlahang sebakeng seo?
Ho tloha dilemong tsa bo 1920 ho ile ha etswa mekotu e mengata ya ditlhatlhobo ho lekola bokgoni ba mehlodi ya metsi naheng. Mekgwa e mengata le mehlodi e fapaneng ya tsebo di ile tsa sebediswa mme sephetho sa ngolwa diraporotong tse ngata tsa lefapha. Kahoo dipalopalo tseo ho fannweng ka tsona mabapi le tlhahiso le ho fumaneha ha metsi di ka amohelwa ele tse tshepahalang haholo. Empa dipalopalo tsena di tlamihile ho shebisiswa e le mabaka a bakang phetoho nakong e tlang, le ho bonahala nakong ha boemo-kakaretso bo botjha ba lehodimo. Hape hona le bopaki ba hore mokgwa wa metsi wa tatellano (cycle) o ka nna wa fetoha ka lebaka la phetoho ya boemo ba lehodimo. Ka mokgwa ona pokello ya tsebo e a eketseha ho fana ka bohlahlobi ba mehlodi ya metsi bo tsepameng. Ke ka lebaka lena dipalopalo tsa didiba selemong ho setshwantsho 2.1 di fapaneng hanyane le dintlha tse hatisitsweng pejana (sheba karolo ya 2.4?
Palo ya tlhokeho ya metsi bakeng sa bophelo ba polokelo e itshetlehile hodima kutlwisiso esa fellang ya tshebetso ya mekgwa ya bophelo le ditlhokeho tsa moo ho phelwang teng. Dipalopalo tsena di tla ntlafala ka lebaka la ponelo pele e ntjhafetseng e fumanehang ka ho beha maemo leihlo, ho bala le mekgwa ya tlhatlhobo e ntjhafetseng. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong sa 2.1, maemo aha jwale a pehelo ya hlahlobo a bontsha hore naheng dipersente tse ka bang 20 tsa metsi ohle a phallang a noka a ya hlokahala e le bophelo ba polokelo, dipersente tsena di tlamehile ho dula di le teng dinokeng hore ho bolokwe sebaka sele maemong a ntlafetseng. Leha ho le jwalo palo ena e fapane haholo naheng, ho tloheng dipersenteng tse 12 karolong tse ommeng ho isa ho tse 30 ho tse metsi. Ka baka la ho hloka ntlha tse felletseng ho ile ha lekanngwa hore dipehelopele tsa tlhokeho ya metsi boteng bo tlase ba noka botla lekana.
Karolo ya polokelo e hlokahalang bakeng sa ditlhoko tsa batho e hulwa ho tswa mehloding ya metsi e fumanehang ho ditlhoko tsa metsi ho karolo ya 2.
Ho molemo hore ha ho kenyeletswa dipalo tsa metsi a fumanehang hore e be a boleng bo amohelehang bakeng sa tshebediso e itseng, e kaba bakeng sa batho, merero ya moruo kapa ho bolokeng naha e le boemong bo botle. Tshilafatso ya metsi a ka hodimo ho mobu e ba teng ha ho lahlelwa dintho tse sa batleheng kapa tse tjhefo, hona ho etsa hore bokgoni ba mohlodi bo tlolwe, mme bo etse hore metsi a be boemong ba ho se sebediswe. Ho wa ha boleng ha mehlodi ya metsi a ka hodimo ho mobu ke e nngwe ya dintho tse behang bokgoni ba Afrika Borwa tsietsing e kgolo ho nehelaneng ka metsi a lekaneng, a boleng bo nepahetseng bakeng sa ditlhoko le tswelopele ya sebaka. Tshilafatso ya metsi a mobung e ba teng ha hoba le dintho tse tjhefo tse kgonang ho kenella mobung mme di kopane le metsi a ka tlasa mobu. Tshilafatso ya mofuta ona ke e hlokolotsi hobane ho boima ebile ho sebediswa tjhelete e ngata le nako e ngata ho kgutlisetsa metsi a ka tlasa mobu boemong bo lokileng (lekola lebokoso 2.2 la boleng ba metsi). Kahoo tsamaiso ya boleng ba metsi e theha karolo ya bohlokwa leanong la tsamaiso ya mehlodi ya metsi jwalo ka ha ho hlalositswe ka botlalo karolong ya 2 kgaolong ya 3.
Disosa tse kgolo sa tshilafatso ya metsi a ka hodimo ke dikgwerekgwere temong le metsi a qhalaneng (metsi a kgutlang ho nosetsa, menontsha, tjhefo ya dijalo le ho qhaleha moo ho fepelwang teng), qhaleho metseng ya ditoropo le metsi a phallang a sebeditseng (ho tshwaetswa ke dikokwanahloko, matswai le menontsha kapa disebediswa tse etsang hore dimela le diphoofolo di hole), diindasteri (dikhemikale), merafo (diesete le matswai) le dibaka tseo tlhwekiso e sa etsweng ka botlalo (tshwaetso ka kokwanahloko tse sa bonahaleng).
Ho kenya letsoho ha dikarolo tse fapaneng (metsi a ka hodima mobu, metsi a mobung le a kgutlelang didibeng) ho fumaneheng ha tlhahiso sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi di bontshwa setshwantshong sa 2.2. Ho tlamehile ho elwa hloko hore metsi a mangata a kgutlisetswang melapong a fumaneha bakeng sa ho sebediswa hape, ha fela boleng ba metsi a kgutlileng a le boleng bo kgotsofatsang ho mosebedisi. Hantle-ntle palo kaofela ya metsi a kgutlelang melatswaneng e atametse ho atisa tlhahiso ya jwale habedi ho tswa metsing a mobung. Tlhahiso esa kgotsofatseng metsing a ka hodimo ho mobu dibakeng tsa tsamaiso ya metsi bohareng ba Lekwa, Lekwa le tlase le Mohokare o tlase e bontsha hore noka di lahlehelwa haholo ka baka la moyafalo le ho tswa ha metsi ho feta metsi a kenang ho yona ho tswa mahaeng.
Ho ya ka ditekanyo tsa bokgoni ba mehlodi eso hlabollweng, tlhahiso e ka eketswa ka 5 400 m3/a ha ho hlabollwa mehlodi. Ditekanyo tsena ha di kenye dintlafatso tse ka etswang empa ditjeho di le hodimo kapa di bonahala di sa kgonehe. Hape palo e hodimo ya metsi eka fumaneha ka ho eketsa hape tshebediso ya metsi a sebeditseng. Hona ho ka kgonahala ditoropong tse pela lewatle moo metsi a silafetseng a iswang lewatleng. Bokgoni bo ntse bo le teng ba ho hlabolla metsi a mobung, empa hona ho etsahala hanyane-hanyane kgahlanong le metjha e meng. Ha ngata ho hulwa ha metsi a mobung ho ba le tshwaetso ho fumaneheng ha metsi a hodima mobu?
Ho ntsha letswai metsing ho fana ka menyetla e itseng bakeng sa batho ba dulang haufi le lewatle. Leha hole theko e boima ho feta ho hlabolla (le ho fetisetsa) mehlodi e ka hodimo, mahlale a se kgona ho fana ka phepetso ka baka la tswelopele e entsweng lekaleng lena haholo ka ho hlahisa mokgwa wa ditjeho tse tlase wa mahlale a lera. Ho ntsha metsi letswai ho etswa haholo ke dinaha tse ngata tsa Botjhabela-hare le dibakeng tse ding Afrika Borwa moo ho ntshwa ha metsi letswai dibakeng tse nyane ho bontshitseng ho boloka ditjeho ho feta ho tsamaisa metsi a boemong bo hantle ho a isa dibakeng tse hole.
Pele hone ho tsotellwa ditsela tse ding le mehlodi emeng esa sebetseng hantle ho phahamisa phepelo ya metsi Afrika Borwa. Hona ho kenyeleditse ho romellwa metsi, mohlala ho tswa nokeng ya Zambezi, ho etsa hore ho ne dipula ka ho etsa hore ho be maru, ho tlisa metsi ka dikepe le ho hula leqhwa ho tla Afrika Borwa. Leha ho bonahala hore hona ho ka kgoneha, hona le dintho tse tlamehileng ho elwa hloko jwalo ka ka boemo ba sebaka, dipolotiki le tsa se melao. Ho ya ka mahlale a ha jwale ha ho bonahale hore e nngwe ya ditsela tsena eka sebetsa ha ho bapiswa le ditsela tse ding tse hlalositsweng ka tlasa karolo ya 2.5, haholoholo nakong e beilweng kgatisong ya pele ya NWRS?
Setshwantsho 2.1: Palo ya tlhaho ya didiba selemong le poloko tikolohong ?
Dipalopalo di bontsha tsamaiso ya metsi ya sebaka seo fela, hantle-ntle metsi a tswang tsamaisong ya metsi ya sebaka seo.
Ho kenyeleditse matamo a ahilweng mafelong a 2003 a kgonang ho tlola milione wa cubec metres, ho sa kenyeletswa matamo a ahilweng bakeng sa merwallo Qedusizi ho sebaka sa tsamaiso ya metsi sa 7 le Beervlei ho sebaka sa tsamaiso ya metsi sa 15?
Ho iswa le ho lata metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi ha di a kenyeletswa ka hodimo, empa di a fumaneha ho setshwantsho 2.4.
Tekanyo ya tshebediso ho tswa meepong ya metsi le diphula. Ka baka la ntjhafatso ya metsi a mobung bakeng sa ho nosetsa ho tloha ha hone ho kgobokanywa lenane- tsebo bakeng sa NWRS, palo ya metsi a mobung e ka nna ya ba ese e tlotse tekanyo ya ka nako eo. Ho phahama ka baka la kgolo ya ho nosetsa ho ke ke ha ama metsi a teng ho ya ka NWRS?
Dipalopalo tse sa kgotsofatseng tsa metsi a ka hodimo ho mobu di bakwa ke ho lahlehelwa ha noka ho feta ho eketseha ha metsi a lahlehang ka hara sebaka sa tsamaiso ya metsi.
Mabaka a bang le tshusumetso ho boleng ba metsi e kaba a tlhaho kapa diketso tsa batho. Lebaka le leholo le bakang tshusumetso ya boleng ba metsi ke mokgwa oo majwe a bopilweng kapa a theilweng kateng moo ho phallang metsi kapa moo a rothelang mme hona ho etsa hore morwalo o eketsehe le ho etsa hore metsi a be sebopehong sa diminerale. Dimela, hose lekane ha lefatshe le lebelo la phallo dika nna tsa ba le tshusumetso ho boleng ba metsi. Ditlamorao tsa diketso tsa batho ho boleng ba metsi di fapane hape di thata ho utlwisiseha. Ho ngatafala ha tshilafatso hoba teng ka lebaka la tshebediso tse fapaneng tsa mobu; haholoholo bakeng sa temo le ho dula ha batho le tshilafatso esa lebellwang ho tswa moyeng. Mehlodi ya tshilafatso ke moo ditoropo, diindasteri le merafo di isang metsi a tsona a silafetseng melatswaneng le moo ho amohelwang metsi teng. Ho kena hare ha tsamaiso ya mehlodi ya metsi jwalo ka ho kgelosa metsi ho a boloka, leho sebeletsana ha dibaka tsa metsi bakeng sa phetisetsano hona le ditlamorao ho boleng ba metsi.
Dintho tse bonahalang (haholo motjheso, morwalo tlase le seretse) dina le ditlamorao dinthong tse amanang le bophelo ba metsi, tshebediso boithabisong le tlhwekiso ya metsi bakeng sa mesebetsi emeng. Ditlamorao tsa khemikale metsing ka ho kenya letswai metsing ho etsang hore metsi a be boemong bo sa lokang bakeng sa ho sebediswa kapa a be theko e boima ha a hlwekiswa bakeng sa ho nwesetsa kapa ho sebediswa ka tlung. Eutrophication, e leng matlafatso ya metsi ka dintho tse hodisang dimela, e etsa hore macrophytes le dimela tse nyane tse jwalo ka ka tse melang ka metsing le cyanobacteria (semela se tjhefo) di hole ka potlako. Cyanobacteria ke tjhefo mme eka etsa hore metsi a be boemong bosa lokang bakeng sa boithabiso, nosetso le ho sebediswa hae?
Tshilafatso ka ditshepe le dintho tse sebediswang jwalo ka ka tjhefo ya dimela le dikokonyana ke e nngwe ya mathata a ntseng a ngatafala Afrika Borwa ka baka la diindasteri, mme hona ho beha maphelo a batho le diphoofola tsietsing. Hoba le dikokwanahloko ho etswang haholo ke dikgwerekgwere tse sa hlwekiswang tse kenang mehloding ya metsi ka baka laho se fane ka tshebeletso e felletseng, mme hona ho fana ka mathata a maholo Afrika Borwa hobane hona ho na le mahloko a ka bakang letshollo le kholera.
Dintho tse ka bang le seabo tekanyong ya boleng ba metsi ke merafo (esete le ditshepe): ntlafatso ya ditoropo (letswai, ntho tse etsang hore dimela di hole): diindasteri (dikhemikale, tjhefo), temo (ntho tse dulang fatshe metsing, ntho hodisang dimela, dikhemikale tsa temo, hoba le letswai ha metsi a kgutlelang matamong). Tshilafatso ya metsi a ka hodimo e tlwaelehile le ho bonahala haholo ho feta tshilafatso ya metsi a mobung. Tshilafatso ya metsi a mobung hase hangata e bonahalang, hape ho boima, ho tjeho tse phahameng, ho nka nako e ngata ho lokisa hona. Dintlha ka botlalo tsa tsamaiso ya boleng ba metsi di fumaneha karolong ya 3.2.
Mokgwa o nammeng wa dibaka tsa tsamaiso ya metsi moo dikhemikale ho boleng ba metsi di sa tholahaleng di ho setshwantsho se latelang.
ho tswa leqepheng la 20 Lebokoso 2?
Tshebediso ka lapeng: X e bontsha hore boleng ba metsi bo ka ntle ho kamoo bo tlamehileng ho ba ka teng ho ya ka tshebediso ya lapeng dibakeng tse ding ho ya ka tsamaiso ya metsi.
Tshebediso ho nosetsa: Letshwao le bontsha boleng ba metsi bo ka ntle ho maemo a boleng ba metsi bakeng sa ho nosetsa dibakeng tse ding tsa tsamaiso ya metsi moo L, M, and H di bolelang a kotsi a tlase, mahareng kapa a hodimo, (+) = alkaline and (-) = acidic.?
Tshebediso ya boithabiso: X e bontsha hore boleng ba metsi bo ka thoko hanyane ho maemo a loketseng bakeng sa ho boithabiso dibakeng tse ding hobane ho fumanwe cyanabacteria.?
Metsi a mobung le metsi a ka hodimo a hlahella a fapane empa a tswa ho mohlodi o le mong. Tshehetsano ya tse pedi tsena, moo metsi a mang a sebedisang a mang le ho utlwisisa kamoo metsi a mobung a tshehetsang tlhaho. Leha ho jwalo dintlha ka kakaretso ka tlholeho le seabo sa metsi a mobung di ka thusa ho hlalosa boemo bona.
Hosa kenyelletswa metsi a kwalletsweng ka hara maqwa (polar ice caps), metsi a mobung e ka ba 97% ya metsi a hlwekileng lefatsheng. A setseng a didibeng, dinokeng le meferong. Leha metsi a mobung a se mangata Afrika Borwa hobane ho tletse majwe a mangata, a fumaneha ha bonolo mme a sebediswa haholo. Metsi a mobung a sebediswa haholo mahaeng, diphoofolong, le ho fepela metsana le ditorotshwana le dibaka tse ikgethileng. Ka kakaretso metsi a mobung a ka fumaneha haufi ho tloha moo a hlokwang ho haola le Afrika Borwa, ka hona a ba mohlodi o moholo ka hara naha.
Metsi a mobung a etswa ke pula, empa a ba teng ka ho qhitsa ho tswa metsweding e meng. Ho tswa fela tlhabollong, maemo a metsi a mobung a eba ka tsela e tsitsitseng, ho teba ka mora nako e telele ho tswa mokgweng.
Setshwantsho se bontsha maemo a ho monyela lekukeng, (Setshwantsho ya metsi) e bontsha ho hlabollwa le ho lokollwa ha metsi.
Tshollo ya tlhaho ka tsela ya botebo ba noka, seepage le moafalo ho tswa dimeleng di ka amanngwa le tshehetso ya metsi a mobung. Tekanyo le poloko ya metsi a mobung ke ya bohlokwa bakeng sa tlhaho le tsamaiso ya mehlodi ya metsi, haholo moo e kopanang le tshehetso ya metsi a mobung. Ho iswa tlase ha metsi a mobung ka ho fepela ho feta maemo a tlhaho e tla ama maemo a tshebeletso tsa tlhaho tse kang estuaries, wetlands le melapo?
Bokgoni ba kotulo selemo le selemo, e ntshitsweng ho tswa tlhabollong ya metsi a mobung e lekantsweng bakeng sa komello, e supa le ho nehelana ka mothamo wa metsi a mobung a ka hulwang ntle le senya didiba, leha diphepelo tsa tlhaho di ka ameha. Bokgoni ba kotulo bakeng sa Afrika Borwa bo ballwa ho 19000million ka selemo Mm3/a. Ho moo 6000 Mm3/a e bolokilweng ho hlabolla e ka hulwa ntle le ho sitisa mehlodi ya metsi. Leha boholo ba metsi a mobung bo bonahala bo ka sebediswa a baka tshenyo ya makuka a mang. Ke fela karolo e bonahalang e ka e lokile ho ka sebediswa le ho hlokwa moo tshebediso ya ona e ka kgoneha a tla hulwa. Tekanyo ya tshebediso ya metsi a mobung tsamaisong e nngwe le e nngwe ya metsi e Setshwantsho 2.2. Ha ho sebaka se entsweng setshwantshong 2.5 and 2.6 bakeng sa bokgoni ba ntshetsopele ya metsi a mobung nakong e tlang. Empa tekanyo eo ho fannweng ka yona bakeng sa ntlafatso ke ya sekgale-kgale ya metsi a kopaneng a ka hodimo ho mobu le a mobung, e itshetlehile haholo ho bokgoni ba mehlodi e ka hodimo. Ho tlamehile ho elwa hloko boleng ba metsi a mobung leka moo a tsamaisanang le mosebedisi wa ona. Metsi a mobung ana le dimenerale tse ngata bakeng sa ho sebediswa ntle le ho hlwekiswa, haholo dikarolong tse ommeng tsa naha. Empa ho sebedisa mmoho metsi a ka hodima ho mobu le a mobung ho fana ka molemo o moholo hobane motswako ona o fana ka dintho tse batlahalang bobeding ba mefuta ena Tsamaiso e maemong a hodimo le tshebediso ya mehlodi ya metsi di tla hloka maemo a ntlafetseng ho hlahloba bokgoni ba metsi a mobung le ho lekola diphetoho, le ho utlwisisa ka botlalo tshebetso ya phuduho ya metsi, dikamano pakeng tsa metsi a ka hodimo le a mobung le seabo sa tshebediso ya metsi a mobung sebakeng seo ho phelwang ho sona?
Bakeng sa tsamaiso e tsepameng ya metsi, tsebo e keneletseng le kutlwisiso ya ditlhokeho tsa metsi e a hlokeha le tsebo ya mohlodi ka bo ona. Ntlha e thatafatsang boemo ba mehlodi ya metsi ke palo e kgolo e fapaneng ya ditlhokeho tsa metsi e tshwanang naheng le ya phapano e teng ya phumaneho ya mehlodi ya metsi. Hodima ha di phapang ditlhokehong tsa tshebediso ya metsi bakeng tse fapaneng, ho tlamehilwe ho elwa hloko palo, boleng, ho arola mobu, tshepiso ya phepelo le bokgoni ba ho lefa. Hape mabaka a fapaneng a ka thoko a ka ba le tshwaetso kgolong. Ditsela tse itseng mabapi le kabo ya metsi di tlamehile ho hlokomelwa haholo dikamanong le karolong e bapalwang ke metsi ho bolokeng bophelo le matlafatsong ya moruo.
Dintlha le dipalopalo tsa merero ya NWRS di a fumaneha mona bakeng sa basebedisi karolong tsena. Metsi bakeng sa ho lekana tebello ya matjhaba e fumaneha karolong ya 2.7.2. Ha ea kenngwa jwalo ka karolo ya basebedisi kaha ha ena seabo tshebedisong ya metsi a se lehae Afrika Borwa empa e sebediswa ho setshwantsho (Setshwantsho 2.4, 2.5 le 2.6)?
Fehlo ya motlakase sheba tshebediso ya metsi ya bohlokwa ho karolo ya 2.7.
Phitiso ya metsi ho tswa sebakeng se itseng, e nkwang jwalo ka tlhoko ya sebaka seo. Tsena ha di bontshwe e le tlhoko ho setshwantsho sa 2.
Motheo wa pokello-tsebo wa tlhokeho ya metsi o fumanwe ka ho etsa dihlahlobo naheng ka bophara.
Ditekanyo tsa tlhokeho ya metsi selemong sa 2000 bakeng sa tshebediso ya metsi karolong tse fapaneng e fumaneha ho setshwantsho 2.3 (sheba lebokoso 2.1 bakeng sa tlhaloso ya phepelo). Hangata, jwalo ka mekgwa emeng ya nosetso, metsi a mangata ho feta a bontshitswe a hulwa ha a fumaneha, empa hona ho hlalosetswa mosebedisi hore hona ho beha tsietsing phumaneho ya metsi bakeng sa dilemo tse tlang. Leha dipalopalo di amoheleha bakeng sa merero ya NWRS, ho nepahala ha tsona ho fapane ho ya ka karolo ya basebedisi le dibaka. Ho sebe le bonnete ha dipalopalo ho teng haholo ho metsi a hulwang bakeng sa ho nosetsa, kaha karolo ena enka halofo ya metsi a naha a sebediswang, empa hona ho tla shebisiswa mananeng a lefapha?
Dipalopalo tseo ho fannweng ka tsona ke tsa tlhahiso fela, ho eketseha ha tshebediso ya metsi ho lekangwa hore ho tla feta ka 1 460 million m3/a.
Papiso ya dipalopalo tse teng ho tokomane ena le dintlha tse hatisitsweng ke lefapha pejana di bontsha ho se tshwane phumanehong ya metsi le ditlhokehong tsa metsi. Hona ho entswe ke ho fapana ha tekanyo, tlhaloso e ntjha, ditlhokeho tsa phepelo le ho fumaneha ha mehlodi e metjha ya ditaba. Ho kopantsha ditaba tse teng ho NWRS le tse hatisitsweng ho tjhadimo ya phumaneho le tshebediso ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa e fumaneha ho lebokoso 2.4?
Lebokoso 2.4: Ho kopantsha ditaba tse ho NWRS?
Phapang e kgolo e bonahala e le teng ha papiso di etswa pakeng tsa dintlha tse ho NWRS le tse hatisitsweng ka 1997 ho tjhadimo ya phumaneho le tshebediso ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa?
Ho ya ka phumaneho ya kgatiso tsa nako e telele le phallo ya melatshwana e ntlafetseng ho ile ha fetolwa dipalo hanyenyane, ho tloha ho 50 150 million m3/a ho raporoto ya kakaretso ho ya 49 040 million m3/a ho NWRS.tekanyo e ne e ka ba 43 500 million m3/a?
Palo kaofela ya tlhokeho ya metsi Afrika Borwa ene e beilwe ho 20 045 million m3/a ho raporoto ya kakaretso (ka maemo a ntlafatso a 1996) papisong le 12 871 million m3/a ho NWRS(ho sebediswa 2000 jwalo ka motheo). Dipalopalo tsena ha se tseka bapiswang, ka baka la ho fapana ha metjha le ditlhaloso. Raporotong ya kakaretso tlhokeho ya metsi bakeng sa dibaka e ile ya kenyeletswa le tshebediso ya metsi ke dikarolo tse ding. Ho NWRS ho hlaloswa hore metsi bakeng sa merero ya sebaka a tlamehile ho dula ka dinokeng moo a hlokahalang.NWRSe bona ditlhoko tsa sebaka jwalo ka phokotso ya tlhahiso ho mohlodi wa metsi e seng e le moo ho hulwang metsi bakeng sa tshebediso ya metsi ke karolo tse ding. Hape tlhokeho tsa metsi tse ho raporoto ya kakaretso di bontsha kopano ya tekanyo e tsepameng ya ditlhokeho ke dihlopha tse fapaneng (ka karolo le sebaka) ntle le ho etswa ha ditokiso ho tshepahaleng ha phepelo, empa NWRS e ile ya beha phepelo ho persente tse 98. Ho a makatsa hore palo e kgolo ya metsi e ka sebediswa ho nosetsa ha e fumaneha le ha phepelo e le e tlase. Dibakeng tse ding tse kgolo tsa naha ho a lengwa ha metsi a fumaneha, ha ka nako e nngwe karolo ya dibaka tsena e ka dula e sa lengwa bakeng sa dilemo tse itseng ka nako tsa komello. Ha hone ho balwa ke NWRS?
Kamora ho etswa ditokiso tse ka hodimo ho paka papiso le ho letlella kgolo tlhokehong pakeng 1996 le 2000, ditlhoko tsa metsi raporotong ya kakaretso e ne e tla fihla ho 13 700 million m3/a?
Leha palo ena batla e tshwana le ya 12 871 million m3/a ya NWRS, phapang entse e hlahella karolong le dibakeng?
Ho raporoto ya kakaretso, tlhahiso e kana ka 33 000 million m3/a e a fumanwa papisong le 20 000 million m3/a ho NWRS. Ho tshwana le boemo ba tlhokeho ya metsi, ditokiso di tlamehile ho etswa ho ditlhoko tsa sebaka le tshepahalo ya phepelo tse tlo theolang tekanyo ho raporoto ya kakaretso ho ya ho 26 000 million m3/a?
Papiso ya ditlhoko e ho setshwantsho 2.3 le kgutlo ya metsi ho setshwantsho 2.2 e bontsha tsela ya tshebediso ya metsi bakeng sa dijo le ho nowa. Hantle-ntle metsi a ka sebedisehang ho tswa mahaeng, ditoropong le merafong a ka ballwa ho persente tse 0,9,33 ho ya ho 34. Karolo eitseng ya metsi a sebedisitsweng (e seng bakeng sa ho nowa le dijo) ea fumaneha bakeng sa ho sebediswa hape. Palo e kgolo ya metsi a silafetseng a kgutlang tshebetsong, haholo ho tswa ditoropong le diindasteri tse pela lewatle, a hlatsetswa ka lewatleng?
Setshwantsho sa 2.4 se bontsha seabo sa mafapha a fapaneng a moruo moruong wa naha. Leha mafapha a moruo a sa tsamaisane ka botlalo le mafapha a tshebediso ya metsi, dintlha tsa bohlokwa di tholwa papisong ena. Haholo ha ho shejwa hore mehlodi ya metsi e etsa persente tse 4.5 tsa kuno moruong (gross domestic product-GDP). Palong ena persente tse ka ballwang ho 25 ho ya 30 ke tsa moo ho nosetswang temong. Leha nosetso e nka persente tse 60 tsa tshebediso ya metsi, seabo sa yona seka tlase ho persente tse 1.5 tsa kuno ya moruo (GDP).
Ho bohlokwa hore diabo tsa sehlopha ho GDP ha di nkwe ele tsona fela tse ka fanang ka lesedi ka baka la dikamano tse matla tse teng hara dihlopha tsa moruo. Lekala la temo lena le dikamano tse matla ka ho romella dintho kapa dijo tse so fetolwe boemo ho makala a tlase le phamaheng (primary and secondary sectors). Ka selemo sa 1985 dipersente tse bang 58 tsa tlhahiso temong di ile tsa romellwa bakeng sa ho fetolwa boemo difemeng, hona ho ile ha kenya letsoho tlhahisong diindastering ka persente tse 8.5. Temo yona e hloke menotsha, metjhini le ditsheletso tsa ditjhelete. Temo e ne e tlamile ho tshehetsa persente tse 25 tseo lekala la meralo kapa tlhahiso (manufacturing) le kenyang ho GDP. Dibakeng tse ding halofo ya dintho tse ka sehlohong tse ikatisang temong di na le tshwaetso dibakeng tse hole ho tsa temo. Mabaka a ka reng a na a teng le merafong, le ho boleng bo hodimo kapa bo tlase karolong tsa moruo?
Tsela eo ho bonwang kateng, ke hore tsela eo moruo o bang kateng bakeng sa metsi a sebedisitsweng ho nosetsong e tlase haholo ha e bapiswa le ya dikarolo tse ding. Ho tla ba bohlokwa ho fumana dintlha tse ding tse tsepameng tabeng ena, hape ho nketswe hloko motheo wa mekgwa ya tsamaiso ya sebaka moo ho labalabelwang ho sebedisa metsi ka tsela e molemo.
Tsela e nngwe e tholahala ha ho bapiswa palo ya batho ba sebetsang lekaleng le itseng la moruo, jwalo ka ha ho bontshitswe ho setshwantsho sa 2.5, le palo ya batho baneng ba sebetsa ka 1994. Palo ya batho ba sebetsang mapolasing (moo ho nosetswang le moo pula dinang teng) e etsa persente tse 11 tsa batho bohle ba sebetsang naheng, ena ke palo e ngata ho feta seo ba se hlahisang. Hona ho etsahala le ho mmuso, makala a setjhaba le dikonterakeng?
Bakeng sa temo eo ho nosetswang, mesebetsi e ka hodimo ho persente tse 1.5 palong kaofela ya naha (ena ke persente tse 10 ho ya ho 15 tsa mesebetsi kaofela ya temo), mme e tshwana leya seabo sa yona ho GDP. Mesebetsi ho ya ka tlhahiso e ikemetseng moruong mabapi le nosetso temong e batla e lekana maemong a mesebetsi kaofela ya naha empa e tlase haho bapiswa le temo ka kakaretso. Hona ho fumaneha le ho menyetla ya mesebetsi ho ya ka tjhelete e tsetetsweng. Leha palo ya mesebetsi kgahlanong le tjhelete e le kgolo ho palo kaofela temong, nosetso ha e tlole maemo a lebeletsweng a theho ya menyetla ya mesebetsi. Hona ho bontsha bontsha mokgwa wa ditjhelete temong ya sejwalejwale ya nosetso?
Hona le mabaka a mangata a susumetsang ditlhoko tsa metsi Afrka Borwa. Hona ho kentse boemo kakaretso ba lehodimo, mofuta wa moruo (mohlala ke temo ya nosetso le diindasteri) le maemo a bophelo. Ho tsena, maemo a lehodimo (climate) ha esale a sa fane ka mathata (sheba lebokoso 2.4 bakeng sa ditlhakiso ditleng moraong tsa ho fetoha ha boemo ba lehodimo lefatsheng) leha ha ngata ho tlamilwe ho laolwa ditlhoko tsa ho nwesetsa. Leha ho le jwalo, lenane la batho, mekgwa ya ho phela le diketsahalo moruong dina le tsela e o di holang ka teng, mme e nngwe le e nngwe e itshetlehile ho tshusumetso tse ngata tse nammeng.
Ditekanyo tsa ho hola ha palo ya batho, ho phatlalla ha batho dipakeng tsa ditoropo le mahaeng le ho dibaka tse ding hase ntlha e bonolo. Diphetoho tsamaisong ya naha ho tloha ka 1994 le tshusumetso ho tswa ho moruo o kopaneng ho Afrika Borwa ho phahamisitse ho falla ho ya dibakeng tse ding le ho theoha ha lenane la batho bakeng tse ding. Haholo batho ba fallelang ditoropong le ditlamorao tse sa kgotsofatseng tsa HIV/AIDS. Hobane bophelo e se ntshetsopele e bonolo ya sekgalekgale, dipatlisiso di ile tsa etswa ho lepa lenane la batho le diphetoho moruong le ditlamorao ha ditlhoko tsa metsi, patlisiso tsena di ile tsa sebediswa jwalo ka ka kgakollo ke NWRS. Hone ho lebeletswe kgolo e tlase ho feta pele ya lenane la batho ka baka la HIV/AIDS, hape le tlhahiso e theohileng ditoropong le kgolo ya moruo. Dinako tseo palo ya batho e yang hodimo le fatshe e neng e ntlafatswa e ho setshwantshong (diagram) sa 2.6?
Ditekanyo tsa lenane la batho le ne le entswe pele bakeng sa naha kaofela, yaba le arolwa ka dikotwana tse nyane tsa dibaka ho etsetsea hore ho tle ho kgonahale ho lepa ditlhoko tsa metsi ho ya ka dibaka. Ka baka la ho fallela ditoropong le kgolo e matla ya moruo ditoropong tse kgolo le dibakeng tsa diindasteri, ho batla ho nka nako e telele hore ho tsejwe hantle ditlhoko tsa metsi bakeng sa dihlopha tseo ho builweng ka tsona nakong e tlang. Tsepamiso e kgolo ya maikutlo e ile ya bewa dibakeng tsa ditoropo tse kgolo bakeng tse qaqolohileng tsa batho le moo palo e tlase e lebelletsweng bakeng tse nyenyane le bakeng tse ding tsa mahae. Bolepi bakeng tsena bo tlamile ho hlahlojwa ka botlalo nakong eo ho hlabollwang mekgwa ya tsamaiso ya dibaka.
Karolo tsena di ile tsa hlabollwa bakeng sa kgolo ya moruo le bakeng sa tshusumetso ya kgolo ya moruo ditlhokong tsa metsi bakeng sa nako e tlang, e le ho leka ho theola hose tsebahale ha nako tse tlang. Ho ile ha fanwa ka mabaka ha hone ho hlabollwa karolo tsena bakeng sa ho ka ba teng ha palo e tlase le e hodimo kgolong ya moruo dibakeng tse fapaneng tsa naha. Tlhahiso ho ya ka mabatowa (GGP- Gross Geographic Product) e ile ya nkwa e le sebontshi sa moruo mererong ya NWRS ka baka la dikamano tse ka etswang tshebedisong ya metsi. Sepheto e ile yaba sa kgolo ya persente tse 4 ka selemo ho fihlela selemong sa 2025 le e tlase ya persente tse 1.5 ka selemo. Kakaretso ho lebelletswe hore moruo o tla hola haholo ditoropong tse kgolo le dibakeng tsa diindasteri le ho tse haufi le mehlodi le mekgwa ya tsamaiso (ditsela, boemafofane le boemakepe) ho feta tse mahaeng. Ho ile ha elwa hloko mokgwa wa kgolo ditshebeletsong le ho diindastering tsa tlhahiso le kamoo mekgwa ya kgwebisano e tlang hoba kateng tlhahisong, dipalangweng le dithomelo-ntle?
Ho ya ka dipontsho tsena, tekanyo tsa pele dine di etseditswe ditlhoko tsa metsi bakeng sa nako e tlang ho fihlela ka selemo sa 2025. Tekanyo tsa ho hlokwa ha metsi bakeng sa nako e tlang tse entsweng ke ESKOM bakeng sa ho fehla motlakase di kenyeleditswe. Pehelo-thoko e ile ya etswa bakeng sa ditlhabollo tse tsejwang le tsa nako e tlang bakeng sa nosetso, merafo le moo metsi a sebediswang ka bongata bo boholo, jwalo ka ha ho hlalositswe ho dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse ho sehlomathiso sa A. (Dipalopalo tse ikgethileng di ile tsa letlellwa mafapheng ana, ha tlohellwa tsela tse akaretsang tsa kgolo selemo le selemo)?
Kantle ho tlhoko tsa metsi ho dibaka tse tswetseng pele moo dika balwang ha bonolo, metsi a mangata a hlokahalng bakeng sa ho tlisa tekatekano le phediso ya bofuma e tla itshetleha haholo ditlhokehong tse ikgethileng mekgweng ya tlhabollo ya mahae le dikarolo. Tlhokeho tsena tsa metsi di boima ho di lepa, ho amohelwa ha dipalopalo tsena ho ile etswa fela moo dintlha tse felletseng di neng di fumaneha. Ha hoka ha sebediswa mekgwa e kopantshitsweng e ho NWRS?
Ho ya ka tsela eo ho fallelwang ka yona ditoropong le tswelopele kgolong ya moruo, kgolo ya tlhokeho ya metsi e lebelletswe ho hlahella dibakeng tseo moruo wa teng o itshetlehileng dibakeng tsa ditoropo. (Ho hlokomediwa hore ho fallela ditoropong bakeng sa nako e kgutshwane ho tswa mahaeng ha ho a tlameha ho nkwa e le kgolo ya lenane la batho dibakeng tsena, ka ha hona e tlabe e le teko ho falleleng toropong tse kgolo). Kgolo e matlafetseng ea bonahala merafong, moo metsi a lebeletsweng ho sebediswa bakeng sa ho rafa dimenerale haholo karolong tse ka leboya tsa naha.
Dipontshong tsa lenane la batho la kgolo ya moruo, pontsho ena e ile ya kgethwa bakeng sa ho lekanya tlhokeho ya metsi nakong e tlang. Hona ho kentse kgolo ya lenane la batho le palo e hodimo ya tlhokeho ya metsi bakeng sa tshebediso ya ka lapeng ditoropong, ho bakwang ke kabo e lekanang ya moruo. Palo ya tshebediso ya ka lapeng ho ya ho ya kgwebo, metsi a sebediswang ke batho kaofela le a sebediswang diindastering bakeng sa dikarolo tsa ditoropo selemong sa 2000 e bolokilwe. Ketsahalo e ena e sisintswe. Hona ho itshetlehile hodima tekanyong e tshwanang le ya kgolo e phahameng ya lenane la batho le maemo a hodimo a ditshebeletso a hlahang tlhabollong ya moruo, hona ho ka nkwa ho kopantswe le maemo a matla a moruo moo tshebediso ya metsi kgwebong, kopanelong ke batho le diindastering e phahamang kgahlanong le kgolo ya GDP. Pontsho eka hodimo e reretswe ho thibela tlhokeho ya metsi esa lebellwang. Dipalo bakeng sa pontsho tsena tse pedi di fumaneha karolong ya 2.5. Ha ho ditokiso tse entsweng ho bontsha kamoo tshebediso e hantle ya metsi enang le seabo?
Tsepamiso ho metsi a fumanehang le tlhoko kaofela selemong sa 2000, ho kentswe le phepelano pakeng tsa dbaka tsa tsamaiso ya metsi le dinaha tsa bohaelane, e fumaneha ho setshwantsho 2.4. Phetisetso ya metsi ho tswa tsamaisong e qalang ya metsi a noka ya Orange ho ya tsamaisong e qalang ya metsi a noka ya Vaal ho tsamaya ka la projeke ya metsi a dihlaba Lesotho (Lesotho Highlands Water Project- LHWP) e bontshwa e hlaha ho tsamaisong e qalang ya noka ya Orange. Hantlentle papiso (setshwantsho) ha e bontshe hore metsi a romelwa Afrika Borwa ho tswa naheng e nngwe. Phetisetso ya 170 million m3/a Afrika Borwa ke metsi a rometsweng ho tswa dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tsa noka tsa Crocodile e bophirima le Marico ho ya Gaborone Botshwana (7 million m3/a), ha phallo e tlase ya metsi e ntshitswe ho nokeng ya Inkomati ho ya Mozambique (109 million m3/a) le kgulo ya metsi ho tswa projekeng ya noka ya Orange ho ya Namibia (54 million m3/a). Palo e kgolo ya phetisetsano e ba pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi ka mokgwa wa tlhahiso dinokeng. (Sheba lebokoso 2.5?
Tlhahiso e nyane e teng e fetang halofo ho dibaka tsa tsamaiso ya metsi, tlhahiso e ngata haholo e ntse e le teng naheng. Hona ho bontsha phapang dibakeng tsa naha, hape ho bontsha kotsi ya ho akaretsa. Palo e tlase kapa e hodimo ya sebaka se itseng sa tsamaiso ya metsi ha e bolele hore e ka beha sebaka seo kaofela tsietsing. Dintho tse sa tlwaelehang di ka hlaha dibakeng tse nyane tsa tsamaiso ya metsi. Hape phumaneho ya metsi le palo ya metsi a teng di a tsamaisana le kamoo metsi a sebediswang kateng ha jwale le ho dula hole teng ha mehlodi, dikgulo le phallo e kgutlang. Ho batla hose molemong wa moruo ho nka metsi moo a le mangata teng ho a isa moo a leng manyane jwalo ka ha ho bontshitswe ho sehlomathiso D 2.3 ho noka tsa Crocodile e bophirma le ya Marico. Hose lekalekane ha dibakeng tsa tsamaiso ya metsi ho tla rarollwa ho ya ka mekgwa ya tsamaiso ya dibaka tse hlabollwang ke makala a ikemetseng a tsamaiso?
Hape ho tlamehilwe ho elwa hloko ntlheng tse ngata tsa metsi a manyane hore hona ha ho bolele hore tshebediso ya metsi ya ha jwale e tlola metsi a tlamehileng ho fumaneha, empa e bontsha hore tumello e entsweng bakeng sa ho kenya tshebetsong karolo ya tikoloho ya polokelo e keke ya fihlellwa ka botlalo ho ya ka maemo a jwale a tshebediso. Leha ditlhokeho tse ho polokelo di supentsha fela, di soka di sebediswa, ho hlokometswe haholo hore ditloko tse tsejwang le tse lekanngwang hore di a kenyeletswa ho NWRS. Hona ho thusa ho etsa bonnete ba tsamaiso e tsepameng ha polokelo e ba teng dibakeng tsa naha. Ho tla latelwa mokgwa o batsi wa tshebetso ho polokelo bakeng sa ho theola ditlamorao tse ka bang teng ho basebedisi?
Phetisetso ho tswa le ho ya dibakeng tsa tsamaiso ya metsi di ka kenyeletsa phetisetsano pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi le naha tsa bohaelane. Palo ya tlhahiso e fetiseditsweng ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi ho ya ho se seng e kese tshwane le ya moo metsi a hlahang le moo a yang teng lebokoso 2.5. Ka baka lena keketso ya diphitiso ho tswa le ho ya dibakeng tsa tsamaiso ya metsi hae tsamaisane le palo kaofela ya naha. Hona ho a tshwana le ho setshwantsho 2.5 le 2.6. Phitiso ya metsi ho tswa Lesotho ho ya Afrika Borwa e bile ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi se nokeng ya Upper Vaal?
Leha ho le jwalo dibakeng tse ngata tshebediso hae tsamaisane le tsela e lokileng ya ho boloka mehlodi, phetoho tse ngata di tla tlameha ho etswa ho kenya polokelo tshebetsong. Boemo bona ho sebetswane le bona ka botlalo sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi ho sehlomathiso D?
Metsi moo a leng mangata haholo a tla sebediswa bakeng sa kgolo ya ditlhokeho tse lebelletsweng nakong e tlang ka malapeng, diindastering le merafong. Dibakeng tse ding sehlomathiso D moo metsi a leng mangata teng a tla sebediswa molemong wa nosetso le meru?
Leha ho sa lekangwa hantle, tsepamiso ya boleng ba metsi e tlamehile ho elwa hloko dipuisanong tsena. Mohlala ke bongata bo bontshitsweng ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi sa noka ya Fish ho ya hosa Tsitsikama ho setshwantsho 2.4 ho bakwang ke boleng bo tlase ba metsi a kgutlang nosetsong?
Mekgwa ya phitiso dibakeng e bontsha palo e itseng ya metsi a kgonang ho baleha. Ditlamorao ho tlhahiso mohloding le dibakeng tse amohelang ka baka la metsi a tsamaisetsweng e itshetlehile ho dikamano tse nammeng, mme di ka fapana haholo ho boleng ba metsi a tsamaisitsweng.
Tlhahiso ya mokgwa wa mohlodi wa metsi (lebokoso 2.1) e tholahala kamoo ho tlamehileng ho etswa kateng, jwalo ka mekgwa ya metsi, boemo ba lehodimo, boholo le beha dintho ka lenane ha disebediswa tsa mohlodi wa metsi, mekgwa ya tshebediso ya metsi le tshebediso ya mobu, tseo di ikemetseng mabapi le mokgwa wa mohlodi wa metsi. Phetisitsano ya metsi ho tloha sebakeng se le seng ho ya ho se seng ho fetola phallo ya metsi ya dibaka tsena. Phitlello tsa kamoo hona ho ka amehang kateng e itshetlehile phallong ya mohloding wa tlhaho, moo ho hulwang le moo ho lokollwang, phetisitsano e fapaneng le bonnete ba kamoo metsi a tlang ho fetiswa kateng. Mekgwa ya phallo ke e nngwe ya dintho tseo ho kgonwang ho bala tlhahiso, hona ho kgonahala ka baka la tshebedisano mmoho e hlahellang mekgweng e fapaneng, kopano sebakeng sa mohlodi le sa kamohelo. Mohlala kamoo mabaka a ka hodimo a ka bang le seabo ditlemoraong tsa tlhahiso tse fapaneng ho boleng ba phetisitsano bo ho morero wa phetisitsano wa Thukela le Vaal. Mona palo e kana ka 530 million m3/a e tsamaiswa ho tloha Thukela River Basin (sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Thukela) ho ya Vaal River Basin (tsamaiso ya metsi sebaka sa metsi sa Upper Vaal) ke palo e pakeng tsa 0 ho ya ho 630 million m3/a. Ka baka la phitiso, tlhahiso e setseng hoThukela e theohile ka 377 milion m3/a. Marangrang a noka ya Vaal (Vaal River System) a eketseha ka 736 million m3/a. Phetoho ho tsena, jwalo ka ka kaho ya letamo le letjha, ho ka ama tlhahiso Mohlala ona o bontsha hantle o mong ya melemo ya phetisitsano ya metsi e le sebediswa sa mehlodi ya metsi, hore palo e ka lekantshwa ho fihlella tlhahiso e ngata le tshebediso ho tswa mehloding ya metsi. Dipalo tsa tlhahiso tse ho setshwantsho 2.4, 2.5 le 2.5 le tse ho sehlomathiso D, di bontsha tshwaetso ho phetisetso tse itseng. Hobane tshwaetso ya phitiso tlhahisong e ka nna ya fapana bakeng tsa mohlodi le tsa kamohelo, kopantso ya dipalo phetisetsanong ho ya le ho tswa, hona ha hona ho fana ka palo e fellentseng. Dipalo tsa metsi a behetsweng ka thoko bakeng sa ho fetiswa ke tsa metsi a ka nnang a fetiswa (ntle le hae kaba hoka hlaloswa), empa di ka nna fapana ka baka la tshwaetso?
Palong kaofela ya tlhokeho ya metsi ya 12 871 million m3/a, 9 500 million m3/a e hulwa ho tswa mehloding ya metsi e ka hodimo ho mobu. Palo e setseng e tswa ho metsi a mobung, tshebediso hape ya metsi a kgutlang, le metsi a morung. Palo ya tlhokeho e ba persente tse 20 tsa 49 040 million m3/a. Persente tse ding tse 8 di lahleha ka baka la moafalo dipolokelong le tsamaiso dinokeng, persente tse 6 ka baka la tshebediso ya mobu. Persente tse 66 naheng kaofela phallong ya metsi a tlhaho di fumaneha dinokeng. Kabo ya phallo ena ya metsi a setseng e ile ya fetolwa ka baka la melwana e kganong le phallo le tshebediso, mme ha e sa bontsha phallo ya tlhaho ya melatshwana. Hona ho thusa ho fihlella ditlhoko tsa polokelo le ho hlompha tumellano tsa matjhaba. Monyetla o teng bakeng sa ho hula karolo ya metsi a setseng bakeng sa ho sebediswa, ha fela disebediswa di le teng mme di ka hlabollwa. Ha bokgoni ba tlhabollo ya mehlodi e ka hodimo boka bonahala bo kgoneha, persente tse 50 metsi di tla dula di le dinokeng?
Setshwantsho sa 2.5 le 2.6 di fana ka tjhebeho ya ho ka hlokahala ha metsi nakong e tlang le bokgoni ba phumaneho ya metsi. Dintlha tsena di sebetsa jwalo ka motheo tlhabollong ya mekgwa ya naha, mme hape e fana mekgwa e hlakileng bakeng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi. Motheo wa moralo ha o bontshe maemo a yang fatshe a metsi selemong sa 2000. Ho lebelletswe hore motheo le moralo wa palo ya metsi o tla ya fatshe mme metsi a mangata a fokotsehe. (Kgolo ya metsi a fetang tekano ho dibaka tsa tsamaiso ya metsi tsa noka tsa Crocodile West le Marico di bakwa ke metsi a silafetseng a kgutlang a sebaka seo- sheba hape ka tlase)?
Kgolo e bonahalang e lebelletswe dibakeng tsa ditoropo tse kgolo tse ka tlasa sehlopha sa kgolo e hodimo, tse sebediswang ho leka ho bona hore dibaka di ka kgutlisetswa maemong a tsona ka ho leka ho kenya mekgwa ya lenane la tshebetso. Hwa bohlokwa ke tlhahiso mahaeng selemong sa 2025, ha ho lekangwa le selemo sa 2000. Hona ke ka lebaka la ho eketseha ho lebelletsweng metsing a kgutlang ho tswa dibakeng tsa ditoropo le diindasteri. Hwa bohlokwa ke bokgoni ba ho hlabolla mehlodi ka ho aha matamo a matjha a polokelo, le ha hangata metsi a hlokahalang a se moo a batlahalang teng. Bokgoni boteng bakeng sa ho hlabolla mehlodi ya metsi a mobung. Kakaretso palo ya metsi a kgonang ho tholahala e tlase haholo ho feta ya metsi a ka hodimo. Ho feta moo, tshehetsano e teng pakeng tsa metsi a ka hodimo le a mobung, mme tlhabollo ya a mobung ho kaba le ditlamora ho fumaneheng ha metsi a ka hodimo (lebokoso 2.3 le ketellopele e ho sehlomathiso D). Bokgoni ba ho hlabolla mohlodi bo ho setshwantsho 2.5 le 2.6 bo tlamehile ho nkwa bo emetse palo kaofela ya mehlodi e sokang e hlabollwa ya metsi a ka hodimo le a mobung. Monyetla o moholo wa ho hlabolla metsi a mobung o hlaloswa ho dibaka tsa tsamaiso ya metsi ho sehlomathiso D?
Bakeng sa ditekatekanyo tsa palo ya batho ba hlahang le ba hlokahalang, tse bontshang balaodi ba moruo, ho lebeleletswe hore kgolo e phahameng ya metsi e tla ba haholo ho bo masepala ba baholo (metropolitan). Kantle ho dibaka tsa metsi tseo di seng di le ka tlasa kgatello, ho tla tsepamiswa maikutlo ho etseng hore metsi a lekaneng a fumaneha dibakeng tsena le ho etsa bonnete ba hore phepelo ea fumaneha.
Ho ya ka meaho e teng le entseng e hahwa selemong sa 2000.
Ho ya ka ho lepa ho teng ho serapana sa 2.4.2. Kgolo e lepuwang ya ditlhoko tsa metsi ditoropong le mahaeng e bakwa ke kgolo e lebelletsweng ya lenane la batho le tsela ya tshebediso ka lapeng, setjhabeng le kgwebong. Menyetla e entswe bakeng sa tlhabollo tse tsejwang fela ditoropong, diindastering le merafong.
Dintlha tse ding ka sebaka se seng le se seng sa tsamaiso ya metsi di fumaneha setshwantshong se tshwanang le sena ho sehlomathiso D?
Ho ya ka meaho e teng le entseng e hahwa selemong sa 2000.
Ho ya ka ho lepa ho teng ho serapana sa 2.4.2. Kgolo e lepuwang ya ditlhoko tsa metsi ditoropong le mahaeng e bakwa ke kgolo e lebelletsweng ya lenane la batho le tsela ya tshebediso ka lapeng, setjhabeng le kgwebong. Menyetla e entswe bakeng sa tlhabollo tse tsejwang fela ditoropong, diindastering le merafong.
Dintlha tse ding ka sebaka se seng le se seng sa tsamaiso ya metsi di fumaneha setshwantshong se tshwanang le sena ho sehlomathiso D?
Ka ha ditlha tsa bohlokwa di se di qollotswe bakeng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi, dibaka tse latelang ke tsa bohlokwa ho tswa tjhebong ya naha (sheba sehlomathiso D)?
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Crocodile West le Marico: Phitiso e kgolo e okeditsweng ya metsi ho ya sebakeng sa Pretoria-Johanneburg se fepelwang ke Crocodile, se tla fepelwa ke Upper Vaal nakong e tlang. Hona ho tla etsa hore palo ya metsi a kgutlang a fumanehe dibakeng tsena, ho tlamehile ho elwa hloko tekano pakeng tsa metsi a fetiswang le tshebediso hape ya metsi a kgutlang?
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Olifants: Palo e tlase ya metsi e tla etsahala ka baka la ho kenngwa tshebetsong ha polokelo, pehelo ka thoko ya phepelo bakeng sa ho fehla motlakase, merafo sebakeng sa Olifants, hape le tshehetso ya merafo sebakeng sa tsamaiso ya Limpopo ho tlamehile ho lokiswa.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Inkomati: Palo e tlase le ditlamorao tse amahangwang le ho kengwa tshebetsong ha polokelo di tla tlameha ho lokiswa. Tsamaiso e kopanetsweng ya noka ya Komati le Swaziland e tla ba bohlokwa haholo. Ditlamorao di tlamehile ho elwa hloko ho Mozambique.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi ya Upper Vaal: Sebaka sena sa tsamaiso ya metsi, se sebetsa jwalo ka mohlodi bakeng sa lebatowa la Gauteng, se tlameha ho dula sena le metsi ho fihlela 2025, ho latela ditekanyetso tse entsweng. Diphetisetso bakeng sa nako e tlang di ka nna tsa hlokahala ho ya bofelong ba nako e badilweng ka baka la kgolo dibakeng tsa tsamaiso tsa Johannesburg le tse mabapi. Metsi a setseng a teng kamora hore a mang a sebediswe a tla behellwa ka thoko bakeng tlhabollo ya ditoropo, diindasteri le merafo, e seng bakeng sa nosetso.
Leha ho bonahala hore sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Upper Vaal se tla kgona ho fepela metsi ho fihlela ka selemo sa 2025, hona le kgonahalo ya hore metsi a mang a ka hlokwa pele ho nako e badilweng ka baka la kgolo e sa lebellwang. Ka baka tshwaetso moruong wa naha le ho kengwa tshebetsong bakeng sa nako e telele ha mekgwa ya phitiso ya metsi a mangata, ho tla ba bohlokwa ho tswelapele ka motjha wa maano ntlheng ena. Tumellano e kenetsweng ho projeke ya metsi a dihlaba Lesotho (Lesotho Highlands Water Project), e tekennweng ka selemo sa 1986, e hlalosa hore ho tla ahwa dikarolo tse ding kamora phetelo ya karolo ya pele. Leha ho le jwalo ditlhoko tsa ha jwale tse phahameng tsa tsamaiso ya noka ya Vaal (Vaal River System) di fapane le tse fumanehang tumellanong, mme ditekanyo tsa ha jwale bakeng sa tlhokeho ya metsi nakong e tlang di tlase haholo ho tsa dilemo tsa bo 1980. Leha tlhabollo ya karolo ya 2 (letamo la Mashai) ya projeke ya metsi a dihlaba Lesotho (Lesotho Highlands Water Project e leng LHWP ka bokgutshwane) e bonahala hore e ka etswa, metjha e meng e jwalo ka ka projeke ya metsi ya Thukela (Thukela Water Project) le phitiso ya metsi ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi sa Upper Orange ho ya ho sa Upper Vaal di etswe hloko le tsona.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi Mvoti ho ya Umzimkulu: Ho tlamehile ho tswa bonnete hore phepelo e lekaneng ya metsi e ba teng bakeng sa tulo ya bohlokwa ya Durban-Pietermaritzburg.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Berg: Pehelo di tlamehile ho etswa bakeng sa ditlhoko tsa metsi bakeng sa nako e tlang sebakeng sa Cape Town. Ho kanna ha ba le maemo a sa jeseng ditheohelang ha kgolo ya tlhoko ya metsi e ka phahama sebakeng sena kapa ho fetoha ha maemo a lehodimo naheng jwalo ka ka ha dikarolo tse ding di bontsha sheba karolo ya 2.6.2 le lebokoso 2.10?
Ka kakaretso metsi a lekaneng a ka kgona ho fumaneha dibakeng tsohle tsa ditoropo le kgolong ya diindasteri naheng, metsi ha a tlameha hoba lebaka le emisang matlafalo ya moruo. Ka ha ho nka nako e telele ho aha baka tse ntjha tsa phepelo, leano le kopanetsweng le tla hlokahala ho ralwa ke basebedisi ba metsi le mafapha a tsamaiso ya metsi ho etsa bonnete ba hore metsi a fumaneha nakong eo a hlokwang ka yona.
Menyetla e nyolohileng ya tshebediso ya metsi, kantle ho kgolo e hlahellang ditoropong, diindastering le merafong, e lokisitswe le yona jwalo ka ka karolo ya tlhaloso ya dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse ho sehlomathiso D. Menyetla ena e kenyeleditse?
Ho eketseha ha nosetso karolong ya profense ya Limpopo e ka leboya-botjhabela ho tswa letamong la Nandoni nokeng ya Luvhuvhu.
Ho bohlokwa hore maano a amohetsweng e be a tsepameng mme a kgone ho mamella ha maemo a ka fetoha. Maano le tharollo (ho thusa ka ho kena mahareng) ho tlamehile ho sebetsana le ho selekane ha jwale le ba nako kgutswane e tlang, empa a ntse a dumellana le ditabatabelo tsa NWRS tse akareleditseng phihlellong ya ho lekana, ho tsitsa bakeng sa nako e telele ya phepelo le tsamaiso ya boemo bo hodimo ya mehlodi ya metsi. Maano a tlamehile ho ka kgona ho fetoha empa a tsitse nakong eo ditlhoko tsa metsi di yang hodimo le fatshe nakong e tlang. Ditokiso bakeng sa ho sebetsana le maemo fetohileng ho tlamehile ho etswa nakong e hlwauweng le tatellanong ya dikarolo tse fapaneng tsa leano. Kahoo NWRS e dumella diphetoho ntlheng tsa bohlokwa tsa hlahlobo hape ya manane tshebetso ha kgolo ya ditlhabollo e ba teng, masedi a ntlafetseng a ya unwa?
Tharollo tse ka sehlohong tsa kamoo tekano e ka tholwang ka teng pakeng tsa phumaneho le ditlhoko tsa metsi e fumaneha ka tlase. Kelohloko e kgolo moralong wa tsepamiso ya tharollo o hlaloswa ho lebokoso 2.6, mme ntlha tse ding tsa ditharollo di fumaneha kgaolong ya 3 ho maano a tsamaiso ya mehlode ya metsi?
Dilemong tse fetileng hone ho tlwaetswe ho ahwa matamo a mang nakong eo tlhoko e fetang phepelo. Ha tshebediso ya metsi e phahama haholo, ditjeho tsa ho hlabolla mehlodi di a phahama, mme ditlamorao tikolohong di a bonahala. Tsamaiso ya tlhokeho ya metsi ke tsela e bobebe bakeng sa ho tsepamisa ho se lekane pakeng tsa tlhokeho le phumaneho, mme e se e ile ya kengwa tshebetsong ka katleho e kgolo ke basebedisi ba bang. Mohlala ke ho setshwantsho 2.4, moo dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 10 dinang le kgaello ya metsi, tse 4 di ka kgona ho ba le metsi a salang kamora tshebediso ha poloko e lekanang le persente tse 10 e ka fihlellwa ke basebedisi. Ntlha tse ding ka sebaka ka seng sa tsamaiso ya metsi di ka fumaneha ho sehlomathiso D?
Ha ho bapiswa le lehlakore la tsamaiso ya phepelo, tsamaiso ya tlhoko tsa metsi Afrika Borwa e maemong a tlase, leha hona le mehlala ya maemo a hodimo a tshebediso e batsi ya metsi dibakeng tse ding tsa diindasteri le temo, mme di ka nkwa jwalo ka ka matshwao. Ntlha tse ding tsa poloko ya metsi di a fumaneha ka baka la manane a tsamaiso ya tlhokeho ya metsi, haholo dibakeng tse ding tsa ditoropo tse kgolo-kgolo (metropolitan) le ho bo masepala ba baholo, kakaretso dintlha tsena ha di a fella bakeng sa ho etsa tekanyo tse tsepameng tsa poloko ya metsi sebakeng ka ngwe sa tsamaiso ya metsi.
Dintlha tse ding di tla fumaneha hang ha lenane la lefapha la tsamaiso ya tlhoko tsa metsi le se le hlakile (sheba karolo ya 3 ya kgaolo ya 3), hona ho tla dula ho le teng ho masedi a phumaneho le ditlhoko tsa metsi tsa kgatiso ya nako e tlang ya NWRS. Ha jwale ntlafalo ho matsete a mekgwa ya tshebetso, mahlale a tswelopele bakeng sa tsamaiso ya tlhoko tsa metsi ke tsa bohlokwa ho NWRS?
Ha ho latelwa ditabatabelo tsa toka, tshehetso setjhabeng le tlhabollo ya moruo, mmuso o sebedisitse mokgwa o nammeng hape o akaretsang ho raleng leano bakeng sa ho se fumanehe ha metsi a lekaneng.
Hangata ha hona le tlhoko ya metsi, mekgwa e mengata ya ditharollo tse ka fumanwang e a shebisiswa, ho ntse ho nahannwe phumaneho ya metsi a ka hodimo le a mobung le dikamano pakeng tsa ona ka bobedi, le ho kopanya dintlha tsa boleng le bongata ba metsi. Tsela tse latelang di tla kenyeletsa?
Kaho ya matamo le meaho le meng, ho kenyeleditse le dibaka tsa phepelo. Moo kaho e bontshwang e le qeto e ka sehlohong, ho tla bonthswa tsela tse ding tsa tlhabollo, ho kenyeleditse le ho se hlabollwe.
Bohlokwa ba ditlamorao ho tsela tsohle tsa tlhabollo bo tla hlahlojwa mme ho tla elwa hloko ntlha tsa setjhaba le tikoloho, di fuwe tsotello e tshwanang le ya mefuta ya botekgeniki, ditjhelete le moruo. Tsela tsohle tsa tlhabollo ya setjhaba, tikoloho le moruo di tla hlahlojwa ho etsa bonnete ba hore kuno tse fumanwang di tlola ditjeho, le hore kuno le ditjeho di ajwa ka toka, le hore boemo ba botona le botshehadi bo elwa hloko. Ho tla tsepamiswa maikutlo ho ntlafatseng maphelo a batho ba futsanehileng le ho etsa hore ditlamorao tse sa kgotsofatseng di a theolwa ho etsa hore setjhaba se angweng ha se be maemong a mabe ho feta pele.
Ho latela molao (Act) dihlahlobo tse nammeng tsa ditlamorao di ka nna tsa hlokahala ho lekanya tshwaetso e nahannweng ya tshebediso ya metsi ho mehlodi ya metsi, mme di tla sebediswa pele mosebetsi o moholo wa mmuso wa metsi o qala.
Mmuso o amohela bohlokwa ba tlhahiso ya maikutlo ke setjhaba ho hlahlobeng tsela tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho kenyeleditse tlhabollo ya meaho. Basebedisi ba metsi, batho ba nang le seabo le setjhaba ba tla ba le karolo tsamaisong ya diprojeke tsa tlhabollo.
Ela hloko: komishini ya lefatshe ya raporoto ya Pudungwana 2000 Matamo le tlhabollo: Tsela e ntjha ya ho etsa diqeto- ke mokgwa wa moraorao o batsi wa ho etsa diqeto bakeng sa tlhabollo ya matamo. Lefapha le ntse le sebetsa le South African Multi-Stakeholders Initiative ho Khomishene ya matamo ya lefatshe ho lekoleng metjha e tlamehileng ho latelwa ya Khomishene boemong ba Afrika Borwa. Sepheo ke ho bopa tumellano naheng dintlheng tse ngata tse potapotileng ditlhabollo tse kgolo tsa tsamaiso ya metsi, le ho etella pele tsela tsa tsamaiso le tshebetso. Hara dintlha tse ding, taba ya ho etsa bonnete ba hore ditjhaba tse neng di sa tshwareha hantle ka baka la matamo nakong e fetileng di ba le tokelo e tshwanang ya kuno ya metsi e motjheng?
Tlhalosong ya teng e nammeng, tsamaiso ya mohlodi wa metsi e tlamehile ho kenyeletsa tsepamiso tsohle tse hlalositsweng mona ka botlalo kgaolong ya 3. Moelelo wa puo ena mona o bolela tsamaiso ya phallo ya molapo hara polokelo, le tsamaiso ya dikgulo le tokollo ya metsi bakeng sa ho fana ka palo e lekaneng ya metsi ka nako e itseng le bakeng se itseng, le boleng le tshepahalo e ka kgotsofatsang mosebedise.
Mehlodi ya metsi bakeng tse ngata tsa Afrika Borwa e hokahantswe ka tshehetsano ya dibaka tsa phepelano ya metsi, mme di laolwa jwalo ka mekgwa e meholo e kopantshitsweng. Ka tsela ena metsi a ka fetiswa ho tswa bakeng tseo a leng mangata teng ho ya moo a hlokahalang teng, hona ho theole menyetla ya ho hloleha ka tshebediso e kopanetsweng ya mehlodi bakeng tse kgolo tsa tikoloho. Ho se ho fihletswe boemo bo hodimo tabeng ena, mme tshebediso e kgolo ea fumaneha ho tswa mehloding ya metsi ya Afrika Borwa ho feta ha di sebetsa jwalo ka karolo tse fapaneng. Hona le monyetla wa ho phahamisa tsamaiso ya projeke tse nyane kapa tsa selehae tsa mehlodi ya metsi, tekolo kgafetsa ya maano a tshebetso bakeng sa mehlodi e meholo ya metsi ea hlokahala bakeng sa ho tseba kgolo le diphetoho tse ka bang teng.
Mokgwa wa ho sebetsana le metsi a mobung o ne o sa kgathallwe nakong e fetileng ka baka la boemo ba ona bo ikgethileng ka tlasa molao o fetileng, mme tjhelete e nyane e ile ya tsetelwa hlahlobong e batsi ya mehlodi. Ka baka la dipatlisiso le tsetelo e entsweng tlhabollong dilemong tse hlano ho isa ho tse leshome, ho ile ha hlaka hore palo ya metsi a sebediswang a mobung e ka fumaneha hohle, le bakeng tse nkwang di futsanehile. Botebo ba ho epa ho bontshitse bokgoni ba ho ka hlabolla baka tse kgolo tsa metsi a mobung dibakeng tse ding jwalo ka tse hlwauweng ke setshwantsho Mountain Group tulong ya borwa-botjhabela ba Kapa. Ka ho behwa ha maikutlo karolong ya tlhabollo ya mehlodi ya selehae ho amahanyeng tlhoko le phepelo tse phahamang haholo, le ho fihlella ditlhoko tsa metsi a manyane ho tswa mobung, e ka ba taba e kgotsofatsang?
Bongata ba metsi a sebedisitsweng bakeng tse hare tsa naha, e seng bakeng sa dijo le ho nohwa, a ya hlwekiswa hape bakeng sa ho ka sebediswa hape kapa a ya hlwekiswa mme a kgutliswe dinokeng, kahoo a sebediswe hape. Dibakeng tsa ditoropo le diindasteri tse jwalo ka Pretoria le Johannesburg persente tse ka bang 50 di fumaneha ho tswa metsing a kgutlang tshebetsong mme a sebediswe hape. Phallo tsa mofuta ona di a fumaneha ditoropong tse kgolo tse mabopong tse kang kang Cape Town le sebakeng sa Durban/Pietermaritzburg, empa ke persente tse ka bang 5 ho isa ho tse 15 tse sebediswang hape tsa metsi ditoropong tsena. Ha ho bapiswa le metjha e meng, tshebediso hape e ka ba mohlodi o moholo wa metsi haholo ditoropong tse mabong a lewatle.
Ha ngata metsi a kgutlang a na le tshwaetso ho boleng ba metsi a amohelang a na a kgutlang, mme ntlha ena tlameha ho elwa hloko. Moo metsi a kgutlang a sebediswang hape, motjha o tswelletseng pele le tsamaiso e hlwahlwa di tlamehile ho ba teng, empa hona ho tla itshetleha ho boleng ba metsi ana le kamoo a tlang ho sebediswa kateng.
Tekanyo tse so kang di netefatswa di bontsha hore ka selemo ke sebaka se ka bang 1 400 million m3 se nkwang ke dimela tsa melata. Ho nama hona ha ho sa laolwe tshwaetso e tla eketseha?
Ka baka la tshehetsano ya mafapha a mmuso ho lenane la tshebetso bakeng sa metsi (Working for Water Programme) sheba karolo ya 3 kgaolong ya 3- dibaka tse kgolo di hlaolwa dimela tsena. Ho tloswa le ho laola ha dimela tsena, moo ho hlokahalang, ho bopa karolo ya metjha ya tsamaiso ya dibaka?
Dikuno tse fapaneng tse fumanwang ho tswa tshebedisong ya metsi ke mafapha a fapaneng a basebedisi le dibakeng tse fapaneng tsa basebedisi naheng. Metsi a tlamehilwe ho sebediswa ho fihlella kuno e phahameng setjhabeng, moruong le tikolohong. Ho ajwa hape ha metsi pakeng tsa mafapha a bosebedisi ke tsela e matla ya ho fihlella sepheo sena. Sheba lebokoso 2.7 ntlheng tsa kabo ya metsi le lebokoso 2.8?
Ho qoba tshetiso e sa hlokahaleng, molao wa naha wa metsi o etsa hore kabo hape ya metsi e be e tsamayang butle empa ka hloko ho ya ka ho phahama ha ditlhoko dibakeng tse fapaneng tsa naha.
Khwebo le ho ajwa hape ha metsi ho ka kenngwa tshebetsong moo mohlodi wa metsi o lekaneng le meaho e hlokahalang e fumanehang, hona ho ka etswa fela ha tshwaetso ya kgwebisano e amoheleha. Ho bonahala ho sena ho kgonahala ho hweba ka dibaka tsa tshebediso ya metsi pakeng tsa dibaka tse fapaneng. Hape kgwebisano pakeng tsa mafapha a fapaneng a basebedisi ba metsi bona le tshwaetso bongateng le ho boleng ba metsi a kgutlang, mme ka baka leo metsi a hlokahalang phepelong tse fapaneng, a tlamehile ho balellwa.
Ho latela setshwantsho 2.5 le 2.6 ho a bonahala hore bokgoni bo boholo bo teng bakeng sa ho hlabolla ho ya pele ha mehlodi ya metsi a ka hodimo dikarolong tse itseng tsa naha. Dibaka tseo ho ka hlabollwang mehlodi ho tsona di fumaneha ho setshwantsho 3.8.2 le 3.8.3?
Lebaka le theolang bokgoni ba ho ka ahwa ha ditshebeletso tsa tlhabollo ya mehlodi ya metsi ke kgolo e tlase e lebelletsweng ho feta pele, ditlhoko tsa metsi dibakeng tse ngata tsa naha. Hona ho etsa hore nako ya ho lefa e be telele bakeng sa ho thola tjhelete, hona ho ka theola bokgoni ba matsete moruong. Hape ho ka theola menyetla ya ho ka etsa tlhabollo tse ntjha tsa mehlodi ka ho susumeletsa diphetoho mekgweng ya tshebediso ya metsi le kabo hape ya metsi ho basebedisi.
Ka baka la ho qadikana phumanong le ditlhokong tsa metsi naheng, jwalo ka ho bontshitswe pele le dipalopalong, tshehetsano ya dibaka tsa phepelano ke ntho e hlokahalang haholo Afrika Borwa.
Ho ya ka setshwantsho 2.4 ho ka nkwa qeto ya hore phitiso ya tlhahiso pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi e ka tlola 6 000 million m3/a. Tse ding tsa diphitiso tsena ke tsa dikarolo tse hodimo ho ya ho tse tlase tsa tsamaiso ya metsi ka ho lokollwa dinokeng, jwalo ka nokeng tsa Vaal le Orange, le ha tse ding di angwa ke tshehetsano ya dibaka tsa phitiso. Palo ya metsi a fetisiswang ho tswa sebakeng se le seng ho ya ho se seng ka selemo sa 2000 e lekanyetswa ho 3 000 million m3/a, mme ho a bonahala hore metsi a mangata tla fetiswa nakong e tlang. Ha ho bapiswa palo kaofela ya tlhahiso ya metsi a ka hodimo ka selemo sa 2000 e ile ya lekanyetswa ho 11 000 million m3/a?
Metsi ke e nngwe ya dintho tse bohlokwa mehloding ya tlhaho, hape ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tsa molao wa naha wa metsi, e leng hore mehlodi ya metsi ya naha e tlamehile ho tsamaiswa ka tsela tseo ho tla kgonwang ho fihlellwa kuno ya nako e telele setjhabeng le moruong bakeng sa batho kaofela. Metsi hape ke mohlodi o felang, hape ho a amohelwa hore kabo ya metsi e ka nna ya fetoha nakong e tlang ho fihlella ditabatabelo tsena nako le nako.
Molao wa naha wa metsi o beha ka sehlohong metsi bakeng sa polokelo, ho kenyeleditswe ditlhoko tsa bohlokwa tsa metsi bakeng sa batho le tikoloho. Kamorao e be tlhompho le tlotla bakeng sa dipehelo tsa matjhaba jwalo ka ha ho dumellanwe le naha tsa bohaelane.
Ho feta mona metsi a tlamehile ho ajwa ho fihlella kuno tse phetahetseng setjhabeng le moruong. Empa ha ho a tlamehwa ho tadingwe fela sepheo sena sa bohlokwa, ho tlamehile le ho tadingwa kamoo metsi a se nang ho ba le molemo setjhabeng, moo metsi a sebediswang bakeng sa ho hlodisana. Hona ho fumaneha kabong ya metsi bakeng sa tshebediso nakong e telele le e kgutswane, moo ho theolwang phepelo ka nako tsa dikomello le ka nako eo palo ya metsi e leng tlase. Moo honang le metsi a setseng ha hona ho sebediswa mokgwa wa ditlhoko tsa bohlokwa, empa hona ha ho bolele hore metsi a tlamehilwe ho sengwa.
Ho kgothaletsa tshebediso e nang le kuno ya metsi, tataiso e ka sehlohong ya tshebediso ya metsi e fumaneha ka tlase. Dintlha tsena tse ka sehlohong di behwa ho ya ka tatellano ya tsona ya bohlokwa, tatellano ena e ka fetoha ho ya ka boemo bo itseng.
Tshebediso tsa metsi tse bohlokwa haholo moruong wa setjhaba.
Tshebediso e akareditseng ya metsi moruong, e kenyeleditseng kgwebisano ka nosetso le moru. Lekaleng lena kabo e laolwa ke tshebediso e batsi moruong.
Ditshebediso tsa metsi tse sa kgoneng ho lekangwa ka tsela ya moruo.
Ho molemo ho elellwa hore tshebediso ya metsi e ka sehlohog ke sehlopha se itseng ha e na ho tshwana le ya sehlopha se seng. Metsi bakeng sa ho tswellisa mesebetsi e ka sehlohong, e tla ba molemo haholo ho feta metsi a mang a hlokahalang bakeng sa tshebediso kgwebong eo. Hona ho amana le tshebediso e hantle ya metsi, ho ka phahamisang boleng ba metsi.
Tshireletso ya dijo ha ngata e behwa ka sehlohong ha ho ajwa metsi bakeng sa nosetso temong. E ngwe ya dintlha tsa bohlokwa tsa NWRS ke ho kgothaletsa tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa ke dihlopha tsohle tsa basebedisi. Empa ka ha temo e nosetsong e le yona e sebedisang metsi a mangata naheng, ho molemo ho boloka sepheo sena ka baka la hore ho be le kutlwano ka hara dihlopheng tsohle tse nang le seabo ntlheng tsa tshireletso ya dijo le ho itlhahisetsa dijo?
Tshireletso ya dijo e hlaloswa bonnete ba hore dijo tse lekaneng di tla dula di le teng ka nako tsohle, ha ho itlhahisetsa ha dijo hona ho hlaloswa e le bokgoni ba ho itlhahisetsa dijo ka bo wena. Mekgwa ena ka bobedi e ka kgona ho sebediswa ke mang le mang ho fihlela boemong ba naha.
Leha bo itlhahisetso ba dijo bo ka nna ba bale seabo se seholo tshireletsong ya dijo, bokgoni ba ho itlhahisetsa dijo bo itshetlehile mabakeng a thoko ntle le mobu, metsi le boemo ba lehodimo. Moruong wa ha jwale karolo tse kareng phumaneho ya metjhini le petorolo (le disele le tse ding) e lekaneng, ho kgona ho fihlela mahlale a tsebo, ditjhelete le tsebo ya tsamaiso di bohlokwa ho lekanyeng bokgoni ba naha ho hlahiseng dijo tse lekaneng ho fihlella ditlhoko tsa yona, ka ho fihlella tshireletso ka ho itlhahisetsa dijo. Moruo o matla, o nang le dikarolo tse fapaneng hape o ikamahantse le moruo o kopanetsweng wa matjhaba, o nang le palo e hodimo ya mesebetsi o ka kgona ho fana ka tshireletso ya dijo hona le ho tsekella ho itlhahisetsa.
Afrika Borwa ha jwale e itlhahisetsa dijo bakeng sa ditlhoko tsa yona tsa dijo, bongata ba tsona bo hlahiswa moo temo ya teng e itshetlehileng dipuleng. Leha temo ya nosetso e na le karolo e kgolo tlhahisong ya dijo, haholo meroho, palo e kgolo e romellwa kantle (jwalo ka tswekere, morara le tse ding) le tlhahiso e eseng ya dijo (veine le kwae). Kgwebo ka nosetso ya dijalo ena le seabo tshireletsong ya dijo ka baka la kamano tsa kgwebo, ho fumaneng tjhelete tsa kantle le ho theha mesebetsi, hona ho tshwana le dihlopha tse ding, empa hona ha ho wela ka tlasa boitlhahisetso ba dijo.
Ka ha bongata ba dijalo tse ka tlasa kgwebisano nosetsong di emela tshebediso ya metsi moruong, nosetso le yona e tlamehile ho abelwa metsi a lekaneng jwalo ka basebedisi ba bang moruong, ho nketswe hloko dikamano, moo kuno ya setjhaba e tlang pele ho dintho tse ding.
Kelo-hloko tse fapaneng di a sebediswa nosetsong ho fihlella ditlhoko tse ka sehlohong tsa batho, jwalo ka nosetso e lekaneng dirapaneng tsa setjhaba. Hona le batho ba bangata ba sa sebetseng le ba futsanehileng ba sa kgoneng ho reka dijo, tharollo ya bona e leng ho itemela dijo. Kamora ho fihlella ditlhoko tsa polokelo le ho latela ditumello tsa matjhaba, NWRS e beha phediso ya bofuma le ditlhoko tse amanang le bofuma setjhabeng ka sehlohong. Ho kenyeleditse ho itlhahisetsa dijo le ho theha dikgwebo tse nyane. Metsi a palo e tlase (ha a sebediswa hantle) a tshehetsa tlhahiso e lekaneng ya dijo ka ho hlabolla maphelo a batho ba futsanehileng haholo?
Lefapha le etse hloko bohlokwa ba ho boloka moruo wa mahaeng o le motjheng hape o le maemong a matle, le ho boloka tekatekano pakeng tsa moruo wa ditoropong le mahaeng le lenane la batho. Ha se boikarabelo ba lefapha ho etsa hona, empa le ka sebedisana le mafapha a mang ho fihlella tsela ya ditabatabelo tsa mmuso.
National Water Act (molao wa metsi wa naha) o etse hloko ho hlokahala ha metsi Afrika Borwa le ho selekalekane le maemo a sa kgotsofatseng a kabo ya mehlodi ya metsi nakong le sebaka. Mmuso o fuwe boikarabelo ba ho lekantsha kabo e se nang leeme ya kuno ya tshebediso ya metsi le ho etsa bonnete ba hore metsi a lekaneng a ya fumaneha kgolong le boleng ba setjhaba.
Kuno ya naha ya ho hokahanya mehlodi ya naha ya metsi ho sebaka se seholo sa tikoloho, e ka nna ya thusa ho laola ditlamorao tsa ho fetoha ha boemo ba lehodimo ka ho fetisa phepelo ya metsi ho tswa dibakeng tseo maemo a tsona a seng hlokolotsi ho ya dibakeng tse anngweng ke komello haholo.
Tsela tse tshwanang tsa setekgeniki, tikoloho, moruo di a fumaneha ho kaho botjha ya mohlodi o mong le o mong wa metsi le tshebedisong ya metsi tshehetsanong ya dibaka tsa phitiso ya metsi.
Dintlha tse ka sehlohong tsa tshebediso ya metsi di hlaloswa ho molao wa naha wa metsi mme hape di teng ho NWRS. Ntlha e kgolo e ka sehlohong ya sebaka sa metsi ke pehelo ya metsi bakeng sa polokelo le ho hlompha ditokelo tsa matjhaba?
Ho ajwa ha metsi ho tswa sebakeng sa metsi ha fela hona le kuno ho tswa lehlakoreng la setjhaba. Tshwaetso tse sa lokang kapa ho lahlehelwa ke monyetla ka baka la phitiso, ho tlamehilwe ho hlolwa ke melemo e hlahisweng.
Ho boloka boleng ba tikoloho ke hwa bohlokwa kahong botjha ha mehlodi ya metsi. Tshehetsano tsa dibaka tsa phitiso ya metsi ho ka le ditshwaetso tse sa tlwaelehang tlhahong tse fetang tse amahangwang le kaho botjha ya dibaka tsa metsi, mme hona ho tlamehile ho elwa hloko. Ka hodimo ha dihlahlobo tsa tshwaetso tikolohong ho mohloding le bakeng tse amohelang metsi, ho tlamehile ho elwa hloko phitiso ya dintho tse dulang metsing le diphetoho maemong a bodulo.
Phitiso e etswang mabopong e tla dumellwa ha ho baballwa metsi le tsamaiso ya ditlhoko ke ba tsamaiso le dihlopha tsa basebedisi bakeng tse amohelang metsi ho tsamaisaneng le melao e teng. Ho se sebedise metsi hantle mabopong a mohlodi ho ke se ho nkwe jwalo ka lebaka le etsang hore metsi a se ke a fetiswa.
Metsi ha a tlameha ho bolokwa nako e telele bakeng sa tshebediso nakong e tlang ka hare le kantle ho sebaka sa metsi.
Ha ho lekangwa mothamo wa metsi o tlamehileng ho fetiswa ho tswa bakeng se le seng ho ya ho se seng, ho tlamehilwe ho tsotellwe metsi a so kang a sebediswa le bokgoni ba kaho botjha ya mohlodi wa metsi.
Ditjeho tse amahangwang le phitiso ya metsi di tla nkwa ke basebedisi ba metsi a fetiswang.
Boleng ba metsi ke karolo ya bohlokwa ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi mme e tlamehilwe ho elwa hloko dikgethong tsohle tsa tsepamiso ya ditlhoko le phumaneho ya metsi. Ka hodimo ha ho etsa hore palo e lekaneng ya metsi ea fumaneha bakeng sa tshebediso bakeng tse itseng ka nako e itseng, ho molemo hore a be ho boleng bo lokileng bakeng sa tshebediso e rerilweng, e kaba ho hulwa kapa bakeng sa morero wa tikoloho wa polokelo, Dikgetho tsohle tse kenella di tla ba le tshwaetso ho boleng ba metsi ka tsela e itseng. Ditshwaetso tsena di ka itlhahisa ho boleng ba metsi moo a iswang ho basebedisi, tlhwekiso kapa ho tswakanya ditlhoko bakeng sa ho fana ka metsi a lokileng bakeng sa morero o rerilweng, boleng ba phallo e kgutlang, le boholo ba ho mongwa ke melapo ho tswa moo ho hulwang metsi kapa moo metsi a lokollwa teng. Ho laolwa ha mehlodi ya metsi ke matamo ho ka thusa ho laoleng boleng ba metsi ka baka la ho tswakanya le ho laola ditlamorao tsa poloko le ho di tshwaetsa, mohlala ke ho eketsa letswai ka baka la moafalo dipolokelong tsa metsi a ka hodimo.
Ho bohlokwa ho lokisa dintlha tsa dikhemikale, ntlha tsa bophelo ba metsi nakong eo ho lekolwang dikgetho tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi.
Ho tshwana le boleng ba metsi, tikoloho e bohlokwa haholo ho tsepamiso e kenelletseng, Ditshwaetso ho setjhaba le tikoloho ya naha di tlamehile ho nkelwa hloko, mme di hlahlojwe le mabaka a botekgenike, moruo le a mang.
Tshwaetso setjhabeng e bolela kamoo maphelo a batho le kamoo batho ba iphedisang kateng bo ka angwang kateng, mme di amana le marangrang a setjhaba le tsela tsa bophelo, diketsahalo moruong, botona le botshehadi le dintlha tsa botjhaba le bodumedi. Tlhabollo e ka kgonang ho tswellisa batho ba bang pele e ka ba le tshwaetso e sa lokang ho batho ba bang.
Tlhabollo tsohle tsa mehlodi ya metsi di na le tshwaetso tshebetsong ya tikoloho, ka ho fetola maemo a bophelo ba dimela le diphoofolo ka baka la ho fetoha ha phallo ya metsi le boleng ba metsi.
Ho ikenya hare bakeng sa ho tsepamisa ditlhoko tsa metsi le ho fumaneha ha metsi ho ka ba le ditshwaetso e itseng, tse hlokahalang hore di qollwe le ho hlahlojwa le mabaka a mang a etsang hore ho fihlellwe qeto e hlakileng.
Kopantso tse fapaneng bakeng sa dikgetho tse ka hodimo di ka kengwa tshebetsong ha fela di kgona ho tshwanela baka tsa tsona tsa tsamaiso ya metsi kapa tulong tse nyane. Boitshunyo hape bo tataiswa ke boleng ba metsi.
Ho bohlokwa hore kgolo ditlhokong tsa metsi hammoho le mabaka a susumetsang ditlhoko tsa metsi le phumaneho di lekolwe le ho hlahlobiswa hape kgafetsa, le ho etswa ha ditokiso maanong a tsamaiso. Tlhoko e sa tlamehang ho tlolwa ke ya ho lekodisiswa dilemong tse ding le tse ding tse hlano ha NWRS?
Bobedi phumaneho le ditlhoko tsa metsi di itshetlehile ho kamano tse nammeng le mabakeng a kantle, a sa kgoneng ho lokiswa ke NWRS. Lenane la batho le nkwa jwalo ka ka lebaka le leholo la ho hlokwa ha metsi jwalo ka ha ho hlalositswe ho karolo ya 2.4.2. Le ha hole jwalo ditlhoko tse ka sehlohong tsa batho di tlase, di kgona ho etsa persente tse ka tlase ho 5 tsa ditlhoko tsohle tsa ha jwale tsa naha. Dintho tse etsang hore tlhokeho ya metsi e eketsehe ke diketsahalo moruong le boemo ba bophelo, boemo ba bophelo bo amana le diketsahalo tsa moruo?
Molao o tsotella bokgoni ba tshusumetso ya tshebediso ya lefatshe palong ya pula e fihlellang melapo kapa e kenang ho metsi a mobung. Ho jalwa ha difate morung ke hona fela ho theolang phallo ya melapo mme hona ho tlamehilwe ho nkwa e le tshebediso ya metsi, leha ditshebediso tse ding tsa lefatshe di ntse dihlahlojwa. Mabaka a mang a susumetsang ho fumaneha ha metsi ke a o ho ileng ha kopanwa le ona ho lenane tsebo la NWRS, ke ho nkwa ha sebaka ke dimela tsa melata, tse ding tsa dijalo tse tholang pula, le ho ba thata ha mobu metseng ya ditoropong. Ho molemo hore ho tsotellwe maano a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, tshireletso ya dibaka tsa metsi merung moo palo e kgolo ya metsi e hlahang teng?
Dikarolong tse itseng tsa naha, ho fula haholo le mobu o se nang letho ka hodimo ho ekeditse palo ya dintho tse fihlellang dinoka, hona ho etsa hore ho se be le sebaka se lekaneng dipolokelong tsa metsi, le diphetoho thutong ya bophelo ba dinoka tse ding. Ho lekantswe hore ditjeho tsa ho lahlehelwa ha melapo ho bakwang ke ho lahlelwa ha dintho melapong etswa ho feta ho tsetelo ya ditjhelete ho paballong ya mobu. Tsamaiso ya mobu e tlamehile ho ba ntlha e ka sehlohong ya tshebedisano ho mafapha a mmuso a ikarabellang ho laoleng tshebediso ya mobu.
Hona le bopaki hore motjheso wa lefatshe o a phahama. Balepi ba bang ba nahana hore hona ho ka eketsa ho se tshwane ha lehodimo mme ho theole palo ya dipula Afrika Borwa. Ho ya ka balepi bana phallo ya melapo e ka theoha ka persente tse ka bang 10 ka selemo sa 2015 dikarolong tse ngata tsa Kapa Bophirima. Balepi ba nahana hore palo e tlase ya metsi a mathang e tla tswelapele ho tloha mabopong a bophirima ho ya ho a ka botjhabela dilemong tsa bo 2060. Ditlamorao bakeng sa ho etsa hore metsi a mobung a be boemong bo amohelehang ha di bonahale empa di ka ba kgolo. Ho eketseha ho se tshwaneng ha phallo ya melapo ho tla bolela hore, le ha dipula di ka se phahame kapa ho theoha, tlhahiso ya naha le botsitso di tla theoha mme ditjeho tsa metsi di phahame ho tswa matamong. Ditlhoko tsa metsi bakeng sa dimela, le tsa nosetso, di tla phahama ha ho futhumala ha maemo a lehodimo ho iponahatsa. Ho theoha ha phumaneho ya metsi ho tla ba le tshwaetso ho boleng ba metsi, hona ho ngotlafatse tsela tseo metsi a ka sebediswang le ho hlabollwa kateng sheba lebokoso 2.10?
Leha hona ho se ho elelletswe ke matjhaba hore mekgwa ya ho fetoha ha boemo ba lehodimo e ka ba teng, hona le bopaki bo tlase hore hona ho ka tla ka tsela e kgolo e potlakileng le bakeng sa nako e telele boemong ba lehodimo Afrika Borwa. Ho bohlokwa ho lebella ho kgonahala ha ho fetoha ha boemo ba lehodimo, le ho ela hloko tlhabollo ya maano a tsamaiso ya dibaka tsa tsamaiso ya metsi. Tekatekano e tlamehilwe ho fumanwa pakeng tsa boitokiso le ho sebetsana le hona haholo, ho thibela mehlodi ya bohlokwa ho senyeheng. Ka hoo boemo bona bo a lekolwa, ho elwe hloko haholo tekolo e kgethilweng, baka tse so kang di ba letshwaetso, mme di tlamehile ho hlahlojwa hang dilemong tse hlano ho NWRS?
Patlisiso tsa mahlale di bontshitse hore palo ya motjheso wa moya e nyolohetse pakeng tsa 0.30C ho ya ho 0.60C dilemong tse fetileng tse 100.
Leha ho fetoha ha boemo ba lehodimo bo lebelletswe ho ama dikarolo tse ngata tsa tikoloho tsa tlhaho le tse ahilweng, metsi ho bonahala e le ona a hlokolotsing. Afrika Borwa ka baka la ho oma le ho na ha dipula ho yang hodimo le tlase ka nako e itseng le sebaka se itseng, e boemong bo o e ka angwang ke diphetoho tsa phumaheho ya metsi, le ditlamorao tsa tlhabollo ya setjhaba le moruo.
Dipatlisiso di se di entswe ho hlahloba ditlamorao tsa phetoho ya boemo ba lehodimo lefatsheng ho Afrika Borwa, Lesotho le Swaziland, le ho hlwaya dihlopha le dibaka tse kotsing ke hona, le ho hlahisa mekgwa e ka etsang hona ho se be le ditlamorao tse mpe. Ditsebi tse 4 (global circulation models- GCM) di ile tsa sebediswa ho lekanya diphetoho tse ka bang teng ho motjheso le potlako e o hona ho ka etsahalang ka yona.
Ho ile ha dumellanwa ke GCM ka ntlha ya kamoo ho lekantsweng boemo ba lehodimo kateng. Hoba ho lelele ha lehlabula ho ile ha qollwa, ho futhumala kontinenteng ho tla phahama ka 10C ho ya ho 30C, hona ho hlahella haholo ho baka tse ommeng haholo le hanyane ho tse dibakeng tsa mabopo a mawatle. Ha ho ka ha dumellanwa ka ho felletseng ka potlako ya ho etsahala ha hona, empa ka kakaretso ho ilwe ha angwa ntlha ya ho theoha ha dipula ka persente tse 5 ho ya ho tse 10. Tekanyo tse entsweng ka ho sebedisa GCMs ho fumaneng dintlha tsa boemo ba lehodimo di bontshitse ho ka ba teng ha ho nyoloha ha nako ya ho oma dibakeng tse bohareng le borwa botjhabela ba naha. Ho latelwang ke ho tjhesa haholo ha dipula le kgonahalo kgafetsa ha merwallo e kotsi?
Ho ba mongobo ho ile ha hlahlojwa ka dikarolo tsa GCM tse tjhesang le tse ommeng. Didiba ho bonahetse e le tsona ho kgonang ho ameha ha bonolo ka baka la diphetoho tsa potlako ya ho nyoloha ha motjheso, ka baka la hobane ke palo e tlase ya pula e fetolelwang ho didiba. Ho bonahetse hore metsi a mobung a ka ameha haholo ke hona. Qeto e ileng ya fihlellwa dipatlisisong tsena ke hore nako e o ho tjhesang hape ho bile ho omme, Afrika Borwa e ka labella ho theoha ha didiba bakeng tse ding ka persente tse 10. Dipatlisiso tsa ho ka etsahala ha hona di bontsha hore ho theoha ha mokgwa ona wa didiba ho tla hlahella dikarolong tse ka bophirimela tsa naha dilemong tsa 2015. Ho theoha ha didiba ho tla tswellapele ho tsamaya ho tswa bophirima ho ya botjhabela, ho ka lebellwa ho fihla mabopong a ka botjhabela ka selemo sa 2060. Ho ntjhafatswa ha metsi a mobung ho bontsha mokgwa o sa tsitsang, o bile o sa ralwang ka bohlale?
Ho tlamehile ho hlakisiswe hore diqeto tsena ha se ditekanyo tsa nako e tlang (projections). Ke tsa mokgwa o o boemo ba lehodimo lefatsheng bo tlang ho ba ka teng, le kamoo diphetoho tsena di ka amang boemo ba lehodimo Afrika Borwa. Batho ba ralang maano a mehlodi ya metsi ba tla sebedisa ditekanyo ho fumana nako eo phumaneho ya metsi e ba teng ka yona, empa ho tlamehile ho ba le tshebedisano mmoho pakeng tsa dihlopha tsohle tse itshetlehileng ka metsi ho etsa bonnete ba hore mekgwa e teng e elwa hloko bakeng sa ho ikamahanya le ho fetoha ha maemo le ho theola ho ka ba teng ha maemo ana. Leha ho le jwalo ho molemo hore ha ho diqeto tse tla etswa tsa ho tsetela kapa tsa tlhabollo ka ho behella ka thoko ditlamorao tse ka bang teng tsa boemo ba lehodimo ho mehlodi ya metsi.
Karolo e itseng ya metsi a fumanehang, ho kenyeleditse boleng le bongata, bakeng se seng le se seng sa tsamaiso ya metsi se tlasa tsamaiso e otlolohileng ya letona ho ya ka boikarabelo ba hae setjhabeng. Hona ho kenyeditse polokelo, metsi ho fihlella melao ya matjhaba, pehelo ka thoko bakeng sa tlhokahalo ya nako e tlang, phapanyetsano pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi le ho sebediswa ho bohlokwa haholo ha metsi. Metsi a beheletsweng ka thoko bakeng sa merero e itseng e hlaloswang ho sehlomathiso D?
Palo e kgolo ya metsi e behetswe ka thoko bakeng sa merero ya polokelo. Tabatabelo ya pele ke ho etsa bonnete ba hore palo e lekaneng e boleng bo amohelehang ya metsi e dula e fumaneha ka nako tsohle bakeng sa tlhoko tsa bohlokwa tsa motho. Ho ya ka molao wa ha jwale palo e lekanang le 25 ya dilitara tsa metsi bakeng sa motho a le mong ka letsatsi e kenyeleditswe bakeng sa morero ona ka tlasa ditlhoko tsa ditoropong le mahaeng ho setshwantsho 2.3. Ha palo ena e ka eketseha, polokelo e tlamehile ho hlahlojwa hape?
Ntlha ya bobedi e bohlokwa haholo ke ya ho sireletsa le ho boloka tlhaho, ho kentse diphoofolo le dimela. Ho ya ka tshehetsano e tshopodi ya pakeng tsa ntho tse phelang lefatsheng le tsebo ya rona e nyane ka dibaka le ditlhoko tsa metsi, ke ditekanyo tse ka lokiswang tsa dibaka tsa tlhokeho ya metsi tseo ho fanwang ka tsona kgatisong ena ya NWRS. Le ha e itshetlehile ho hlahlobo ya naha kaofela ya paballo ya boleng ba dinoka le moo noka di kopanang le lewatle le tekanyo ka mahlale ya tlhokeho tsa metsi, mosebetsi o mongata o ntse o hlokahala. Lenane-tsamaiso bakeng sa ntlafatso ya polokelole se le tjhaetswe monwana, mme ditokiso di tla dula di etswa dikgatisong tsa nako e tlang ho NWRS?
Afrika Borwa e ikamahantse le tsamaiso e kopanetsweng le tshebediso e sa yeng ka leeme ya metsi a matjhaba ao Afrika Borwa e arolelanang le naha tsa bohaelane, jwalo ka ha ho buisanwa nako le nako diforamong tsa naha tse pedi le tsa naha tse ngata. Afrika Borwa ha e ka ke ya kenya tshebetsong ditlhabollo tsa mehlodi ya metsi tse bang le tshwaetso tse sa lokang mabopong a arolelanwang le naha tse ding ntle le ho buisana le naha tsena. Hona ho hlaloswa ho Revised Protocol on Shared Watercourses e ho South African Development Community?
Moo ditumellano di leng teng ho dipalo tsa metsi tse fumanehang bakeng sa naha e itseng, hona ho hlaloswa ho dibaka tsa tsamaiso ya metsi ho sehlomathiso D?
Jwalo ka ho tshwana mane le mane le bohlokwa ba metsi ka ho ba mohlodi o bolokang bophelo, motlakase o bohlokwa haholo tshebetsong ya setjhaba sa ha jwale. Hape ke hwa bohlokwa bo boholo tshebedisong ya metsi. Boholo ba diketsahalo tsa moruo naheng, le botsitso ba setjhaba, bo itshetlehile ho phepelo e lekaneng, e tsitsitseng ya motlakase. Ho hulwa ha le ho bolokwa ha metsi bakeng sa ho sebediswa diteisheneng tsa motlakase tse laolwang ke Eskom, jwalo ka mokgatlo o nehilweng toka ya fehla motlakase o mongata wa naha, ho nkwa e le tshebediso ya metsi ya bohlokwa haholo. Metsi ohle a nkwang mehloding ya metsi kapa a bolokwang ditsheletsong tsa ho fehla motlakase tsa Eskom a tlamehile ho dumellwa ke letona (sheba karolo ya 3 ya kgaolo ya 3). Tshebediso ya metsi e nkwang e le ya bohlokwa maanong e tlamehile ho ba e boemong bo hantle, bo amohelehang jwalo ka ka ho tshwana le ho amang. Ho phodiswa diteishene tsa motlakase moo ho hlokahalang ha ho ahwa sebaka se setjha sa ho fehla motlakase.
Ditebello tsa tlhokeho ya metsi bakeng sa nako e tlang di bontshwa ho setshwantsho 2.5 le 2.6 bakeng sa sebaka se seng le se seng le mehlodi e ka hlabollwang. Maano a lokileng bakeng sa ho ka tsepamisa ditlhokeho le phumaneho ya metsi bakeng sa nako e tlang e tla ba ho kopanya mekgwa e fapaneng jwalo ka ho bontshitswe ho karolo ya 2.5.4. E tla ba ka tlasa maemo a itseng moo tlhabollo tsa mehlodi le phitiso ya mets dii etswang?
Ho batla ho se bohlokwa ho behella palo e itseng ka thoko ya metsi bakeng sa kgolo ya nako e tlang. Empa hona le nako e o ho tlamehilweng hore ho behellwe ka thoko palo e itseng ya metsi bakeng sa nako e tlang. Hona ho hlaloswa ka botlalo ho sehlomathiso D?
Palo e tsejwang e tlamehilweng ho behelwa tshebediso tse itseng kapaho fetiswa ho itseng.
Hona ho tla etsa hore dikgetho tsa ho hlabolla ha di lahlwe le hore ditlhabollo ha di etswe sebakeng se seng ka ho kgetholla tse ding.
Dipehelo ka thoko bakeng sa diphitiso pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi di nkwa le tsona di le bohlokwa haholo jwalo ka ka ho hlahisitswe ke letona ho NWRS. Dipalopalo ka hona di fumaneha ho raporoto ya baka tsa tsamaiso ya metsi ho sehlomathiso D?
Dintlha tsa phumaneho ya ditlhokeho tsa metsi di hlaloswa ho kgaolo ena ho sehlomathiso D eo e bontshang diphetoho tse nyane tse entsweng ho meedi ya dibaka tse ding tsa tsamaiso ya metsi sheba karolo ya 5 kgaolo ya 5 sehlomathiso sa E. Diphetoho tsena di na le tshwaetso e kgolo ho dipalopalo tse ntshitsweng mme ha di ka fosahala di tla lokiswa hape ya ho kgatiso ya pele ho NWRS?
Karolo ya 23 Boikemisetso ba ho ka fana ka palo e itseng ya metsi ke ba ka sehlohong (sheba karolo ya 5 ya kgaolo ya 3 bakeng sa tlhaloso ya ba ka sehlohong): - Ho ya ka leano la mohlodi wa metsi wa setjhaba letona le ka lekanya palo ya metsi a o ba tsamaiso ba ka fanang ka yona le tokelo (licence) ya mohlodi wa metsi ho tswa ho sebaka sa tsamaiso ya metsi. Ho fihlela NWRS e ba teng letona le ka etsa tshisinyo tsa palo ya metsi eo ba tsamaiso ba ka fanang ka yona le laesense. Tshisinyo e tla nkelwa sebaka ke boikemisetso bo ka tlasa molwana wa 1 ha fela NWRS e se e kene tshebetsong. Ba ka sehlohong ba tlamehile ho latela maikemisetso a ka tlasa le?
Karolo ya 1 (i) e hlalosa polokelo e le: palo le boleng ba metsi a hlokahalang (a) bakeng sa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bohlokwa tsa motho ka ho fumana phepelo e tsitsitseng ya metsi, jwalo ka ha ho hlalositswe ho molao wa naha wa metsi, 1997 (Act no, 108 of 1997), bakeng sa batho ba hlokang le ba tlang ho, nakong e kgutshwane e tlang, (a) ho itshetleheng ho ona; (b) ho nka metsi ho tswa; kapa (c) ho fepelwa ka metsi ho tswa mohloding; le (d) ho sireletsa dintho tse dulang metsing le tlhaboloho le tshebediso ya mohlodi wa metsi. Polokelo ke lehokahanyi la bohlokwa pakeng tsa molao wa naha wa metsi le molao wa ditshebeletso tsa naha tsa metsi?
Dipalopalo tse ileng tsa kgobokangwa pele ho phatlalatswa sepheto sa palo ya batho (National Census) ka 1996 di a fumaneha. Lenane-tsebo lena le ile la amohelwa bakeng sa ho tsepamisa lona le sepheto sa National Census ka ho etsa diphetoho moo census (palo ya batho) e fanang ka lesedi le boleng bo hodimo. Sepheto sa palo ya batho sa 2001 ha se a ntshwa jwalo ka sa palo ya batho ba ditoropong le ba mahaeng, empa e ile ya fana ka palo ya dimilione tse 44.82. Ditebello tse entsweng ke ba dipalopalo ba Afrika Borwa (Statistics SA) ho tswa ho palo ya batho ya 2001 (palo e mahareng a 2003 e ho dimilione tse 46.43) e ntswe ke lefapha ho tswa ho palo ya batho ya 1996 (palo ka Mmesa 2005 e tlang ho ba dimilione tse 48.43 milione tse 26 bakeng sa ditoropo le tse 22?
Mmuso o ikemiseditse ho theola tshallo morao ditshebelotsong tsa bohlokwa tsa metsi le ho ntlafatsa ditshebeletso nako e tlang?
Kgaolo ena e hlalosa mekgwa, ditabatabelo, maano, tataiso le tsela ya tshebetso le tlhophiso bakeng sa tshireletso, tshebediso, tlhabollo, paballo, tsamaiso le tsamaiso ya mehlodi ya metsi ya Afrika Borwa.
Kgaolo ena e arotswe ka karolo tse latelang?
Ho etswe hloko kgaolong ya 1 hore ditabatabelo tsa ho tsamaisa mehlodi ya metsi Afrika Borwa ke ho fumana tokelo e lekanang ho mehlodi ya metsi le polokong le tshebedisong e hantle.
Tokelo e tshwanang, ena le karolo tse pedi e leng tsa nako e kgutshwane le e telele.
Ho etsa hore dtabatabelo tsa poloko le toka di sebetse, mokgwa wa ho tsamaisa mehlodi ya metsi o se o amohetwe o hlahisang mekgwa ya ho sireletsa mehlodi ya metsi, ka ho beha ditabatabelo tsa maemo a hlokahalang a mehlodi, ho kenya tshebetsong mekgwa ya tsamaiso ya tshebediso ya metsi bakeng sa ho theola ditshwaetso ho ya boemong bo amohelehang. Mokgwa ona o na le maano a mabedi a latelang?
Mekgwa e lebisitsweng mehloding: Mekgwa ena e shebane haholo le boleng ba mohlodi wa metsi ka bo ona. Boleng ba mohlodi bo bontsha maemo a o boleng ba metsi bo leng kateng le ho sheba maemo a teng tikolohong. Boleng ba mohlodi bo kentse bongata le boemo ba metsi, mekgwa le boemo ba melapo le dintho tse phelang metsing. Ditabatabelo tsa boleng ba metsi di tla hlaloswa bakeng sa mohlodi o mong le o mong le bakeng sa boleng ba mohlodi ka mong le tshireletso e hlokahalang bakeng sa mohlodi ka mong. (Sheba ntlha ya 3 kgaolo ya 1 le karolo ya 2 ya kgaolo ena bakeng sa tlhaloso ya metsi).
Tsamaiso e lebisitsweng mohloding: Mekgwa ena e na le seabo ho hlaloseng ngotlafatso le ditshitiso tse beilweng hodima tshebediso ya mohlodi wa metsi ho fihlella tsela eo mohlodi o tlamehileng ho sireletswa ka ona. Di etseditswe ho laola diketsahalo tsa tshebediso ya metsi ho tswa mohloding wa tshwaetso ka tsela tsa tshebetso le maemo a itseng a fumanehang ho ditumellano tsa tshebediso ya metsi. Tsamaiso tse lebisitsweng mohloding di bohlokwa bakeng sa ho hokahanya tshireletso ya mehlodi ya metsi le tsamaiso ya tshebediso ya metsi. (Mabaka a tshebediso a hlaloswa ho karolo ya 2 ya kgaolo ena).
Le ha molao (Act) o nkela hodimo tshireletso ya mehlodi bakeng sa tshebediso ya nako e telele le tlhabollo, mehlodi ya metsi ka nako e nngwe e a silafatswa kapa e sengwe ka tsela tse seng tsa maikemisetso, ho hloka tsotello le mabaka a mang.
Mekgwa ena e ke ke ya etswa ka ho sebedisa NWRS, hobane molao o hloka dintlha tse latelang?
Mokgwa ho hlopha mehlodi ya metsi o tla thehwa ho latela melawana eo ho karolo ya 12 ya molao (Act) kamora ho kopana le setjhaba le ho shebisiswa ke mmuso.
Boikemisetso ba ditabatabelo tsa boemo, polokelo le boleng ba mohlodi bakeng sa mehlodi ya metsi bo tla thehwa ke masedi a mmuso ho latela dikarolo tsa 13 le 16 tsa molao, kamora ho kopana le setjhaba.
Ho lebelletswe hore lefapha le tla kopa ditshwaelo ditshisinyong tsena, ho latela molao bakeng sa kopano (puisano le setjhaba), ho ya mafelong a 2004.
Dintlha tsa mekgwa e ka kgonehang ho tshireletso ya mehlodi di fumaneha ho NWRS bakeng sa ho hlahisa maikemisetso a lefapha bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi?
Ntlha ya bohlokwa tlhabollong ya mekgwa e lebesitsweng mehloding ke hore e tlamehile hore e utlwahale, e dumellane le mahlale, e etsahale ebile e kgonehe ka tjhelete.
Mokgwa wa ho hlopha mehlodi ya metsi o ntse o ntlafatswa bakeng sa ho fana ka moralo o sa fetoheng o o ka ona mehlodi ya metsi e ka hlotjhwang kateng, sehlopha se seng le se seng se emetse boemo bo fapaneng ba tshireletso. Boemo bo batlahalang ba tshireletso bo tla nkwa bo fihleletswe haeba maemo a hodimo a sehlopha a fihleletswe. Mokgwa ona o tla fana palo e hlakileng e o diqeto tsa tsamaiso di ka etswang kateng ka tlhaho le tsela e o mohlodi o ka sebediswang ka yona. Ho eketsa ho theola tshebediso ya metsi ho tla kengwa tshebetsong ha boemo ba tshireletso bo phahama. Basebedisi ba metsi le ba nang le seabo metsing ba tla ba le karolo ntlafatsong ya mokgwa wa tlhophiso, mokgwa ona o tla fana ka tataiso karolong e bapalwang ke basebedisi ba metsi le ho ba nang le seabo nakong eo ho hlophiswang mehlodi ya metsi.
Tlhophiso ya mehlodi ya metsi e entswe ho tshireletso ya dimela le diphoofolo tse dulang metsing le tshireletso ya mehlodi. Tlhophiso ya mehlodi ya metsi e tla thusa bakeng sa ho fihlella tekano pakeng bophelo ba nako e telele ba tikoloho le botsitso ba mehlodi kaofela ya metsi le tswelopele ya phumaneho ya metsi bakeng sa tlhabollo ya setjhaba le moruo.
Karolo tse tharo tsa tsamaiso tse emetseng mabaka a mararo a tshebediso a hlaloswa ka tlase.
Mokgwa o ntseng ho nahanwa ka ona ke wa hore mohlodi hore ho o bitswe a tlhaho o tlamehile hoba le tse latelang?
Mokga ona o emetse mehlodi e o maemo a ona a fetotsweng hanyane ho tswa ho ya tlhaho ka baka la diketso tsa motho le tshebediso ya metsi.
Sehlopha sena se emetse mehlodi eo maemo a ona a fetohileng ho tswa ho a tlhaho ka baka la diketso tsa motho le tshebediso ya metsi, empa ho ntse ho kgonahala ho ka phelwa ho tsona.
Ha ngata mehlodi ya metsi e tsamaiswa ho fihlella ditabatabelo tsa nako e telele tsa sehlopha sa tsamaiso. Ha hona le mabaka a petetsang a setjhaba le moruo bakeng sa ho dumella tshebediso ya palo ya metsi e theohe le howa boleng ha moruo, dintlha tsena di lekolwa ho ya ka maemo a tsona ho ya ka moralo wa tshireletso ya mohlodi bakeng sa nako e telele.
Ka baka la ho sebediswa haholo kapa ho fetolwa maemo haholo ho tswa sebopehong sa tlhaho, mehlodi e meng e boemong bo sa amoheleng tikolohong. Mona sehlopha sa tsamaiso se tlamehile ho etsa hore mohlodi ona o fetolelwe ho o sebeditseng haholo kapa o tshwaeditsweng haholo.
Pehelo tse itseng di ka etswa bakeng sa ho amohela dinoka tse fetotsweng boemo ka bo hohle-hohle (jwalo ka ka dinoka tsa ditoropong) ka ho beha maemo a tla etsa hore tsamaiso ya mehlodi ena e fihlella boemo bo amohelehang.
Ka nako tse ding palo ya boemo ba tshebediso ya mohlodi bo ka hloleha ho ikamahanya le ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi. Maemo ana a tlamehile ho tswelapele ho lokiswa ho etsetsa hore ba sebedisi ba kgone ho laola mekgwa ya bona, ka ho etsa hore maemo ana a hloke tumello (laesense-licence). Tekolo kgafetsa e tla hlokahala bakeng sa ho hlahloba diphetoho maemong a mohlodi, le ho lekanya kamoo tabatabelo tsa boleng ba mohlodi di ka fihlellwang kateng. (Karolo ya 6 ya kgaolo ena e fana ka botlalo ka tekolo le metjha ya tsebo e batlahalang). Ho ka fetola mohlodi hore o be maemong a amohelehang ho tla hloka tsamaiso e lebisitsweng mohloding, e teng dilaesenseng jwalo ka pehelo tsa tshebediso, e tataiswang ke ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi tse tswang ho maikemisetso a mekgwa e lebisitsweng mehloding. Ho kgutlisetsa boemong ba pele jwalo ka ka sebopeho sa qalong le ho tloswa ha dimela tsa melata ho a hlokahala?
Mokgwa wa tlhophiso o tla sebediswa mehloding kaofela e ka hodimo ho mobu Afrika Borwa, empa o tla sebediswa ka tsela tse fapaneng dinokeng, bakeng tse metsi, bakeng tse hapuweng le moo noka e kopanang le lewatle. Tlhophiso ya metsi a mobung e tla tshwana le ya metsi a ka hodimo ho metsi, empa ka baka la sebopeho sa metsi a mobung, a tla ba le karolo tse fapaneng (sheba 3.1.4 e latelang).
Ditsela tse tlang ho sebediswa bakeng sa ho hlophisa mehlodi ya metsi a ka hodimo ke tsa dikhemikale le mahlale a ha jwale a kang physicochemical, biological le hydro-geomorphology. Mabaka a setjhaba le a moruo a tla kenyeletswa motjheng ona wa tlhophiso bakeng sa ho etsa bonnete ba qeto e tla fana ka tekano pakeng tsa tshireletso le tshebediso?
Sehlopha ka seng sa tsamaiso se tla dumella tsela tse itseng tsa boleng sebakeng se itseng, le bakeng sa mefuta e fapaneng ya mehlodi. Meedi pakeng tsa dihlopha tsena e tla kgona ho fumaneha ka ho hlophisa dintlha tse kgethilweng tsa tsela tsa phetoho.
Ha ho kgonehe ho ka fana ka tshireletso ya maemo a hodimo mehloding kaofela ya naha ntle le ho nyehlisa tlhabollong ya setjhaba le moruo. Hape ha ho hlokahale ho hlopha mehlodi kafela hore ke e tlase bakeng sa ho dumella tshebediso e hodimo. Mokgwa wa nakwana wa tsamaiso ya tshireletso ya mehlodi, o ke ke wa lokisa ho fapafapana hara diphoofolo le dimela tse sa bonahaleng ka mahlo le moo di phelang teng tse hlokahalang bakeng sa ho emela dintlha tsohle tsa dimela le diphoofolo tse fapaneng. Mekgwa ya tlhophiso le maano a ntse a hlabollwa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore paballo ya dimela le diphoofolo e a fihlellwa.
Polokelo (sheba ntlha ya 1 kgaolong ya 2) e kenyeleditse palo le boleng ba metsi ho fihlella ditlhoko tsa bohlokwa tsa motho le ho sireletsa dimela le diphoofolo tse phelang tikolohong.
Ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi di fana ka palo kapa tlhaloso ka dimela le diphoofolo tse phelang tikolohong le dikhemikale tse etsang hore maemo a tshireletso a hlaloswe e le a sehlopha sena. Kahoo ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi di ka bolela, hara dintho tse ding, bongata, mokgwa le nako eo molapo o phalla ka ona; boleng ba metsi: mokgwa le maemo a ya ka dibaka tsa moo ho phelwang le mekgwa le maemo a diphoofolo le dimela metsing.
Hantle-ntle maikemisetso a sehlopha sa tsamaiso ya mohlodi le polokelo le ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi di tla nkwa jwalo ka kgato e kopanetsweng. Hona ho tla etswa ha fela mokgwa wa tlhophiso ya mehlodi o se o entswe. Ha jwale, ho fihlela mokgwa wa tlhophiso ya mehlodi o ba teng, maikemisetso ohle a tla nkwa jwalo ka kgato ya pele ho ya ka molao (Act), sheba lebokoso 3.1?
Hobane ditumellano tsa tshebediso ya metsi di ka nna tsa tsotellwa pele ho ka lekangwa sehlopha le polokelo bakeng sa mohlodi o o, tsela tse tshwanetseng di tla kengwa tshebetsong ka nako tse kgutswane, ha ho hlokahala bakeng sa tshebediso ya metsi.
Mekgwa e lebisitsweng mehloding e ka lekangwa bakeng sa tulo ya lehae kapa bakeng se seholo se jwalo ka sebaka se seholo sa metsi. Sebakeng se seholo, karolo tsa mohlodi tse hlokang ho elwa hloko di tla qollwa ho ya ka mekgwa e fapaneng ya sebopeho sa ona.
Molao o bua ka maikemisetso a sehlopha le ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi karolo ya 13 1, le ya polokelo karolo ya 16 1, le tsa selelekela sa maikemisetso karolo 141 le ya 171.
Selelekela karolong ena se bolela maikemisetso a phetilweng pele ho temoso ho tswa ho mokgwa wa tlhophiso. Ona ke mokgwa o fetohang ho tloha ho o mong ho ya ho mong o etsang hore ho be bonolo ho etsa hore tshebediso ya metsi a fumanehe ka laesense (licence) nakong eo mokgwa wa tlhophiso o ntseng o ahwa le ho thehwa ho ya ka molao.
Selelekela ha se bolele mekgwa e sebeditsweng bakeng sa maikemisetso, tharollo ya maikemisetso kapa boemo ba boitshepo sephethong. Selelekela sa maikemisetso se ka etswa ka ho sebedisa mokgwa o mong le o mong le tharollo e feng kapa e feng.
Tumello ya ho sebedisa metsi e dula e itshetlehile ka selelekela sa maikemisetso, le ho elwa hloko mabaka a polokelo.
Tsamaiso tse lebisitsweng mohloding di ile tsa kengwa tshebetsong bakeng sa nako e kgutswane ka tlasa molao wa metsi wa 1956, ka baka la mokgwa wa tumello ya ho lahla metsi a silafetseng. Tsamaiso tse lebisitsweng mohloding di kenyeleditswe mabakeng a laesense ya tshebediso ya metsi le ditumellano ka kakaretso. Mabaka a behwang bakeng sa tshebediso ya metsi a hlaloswa ho karolo ya 29 ya molao, mme e fihlella dintlha tsohle tsa mefuta kaofela ya tshebediso ya metsi.
Tsamaiso tse lebesitsweng mohloding tsa tshebediso kaofela ya metsi di tla tswelapele ho sebetsa ha di laesense di ntshwa, mme di tla ba le seabo ho fihlella ditabatabelo bakeng sa tshireletso le tshebediso ya mohlodi ka baka la sehlopha sa sona. Ditsamaiso tse lebisitsweng mohloding di fana ka lesedi bakeng sa meralo ya tsamaiso ya tshebediso ya metsi ka tlasa karolo ya 26 ya molao.
Tsamaiso e lebisitsweng mohloding e ka arolwa ka tsela tse latelang?
Mekgwa e ikgethileng ya sebaka e amana le mekgwa e hlahellang ho tswa motjheng wa ho dumella tshebediso ya metsi. Di ela hloko ka kakaretso ditumellano tse entsweng boemong ba naha le ba provense.
Mehlodi ya metsi a mobung e fapana le mehlodi ya metsi a ka hodimo ho mobu, ka baka la hore ha a bonahale, tsela tsa ona ha di bonahale, a tsamaya butle, mme ha a amehe ha bonolo ke diketsahalo tse a potipotileng. Kantle le ho lekolwa ka hloko tshwaetso ya tsamaiso ya botho e kaba boima ho e tsotella. Ka ha ho kgutlisetsa sebaka se silafaditsweng kapa se tshwaeditsweng maemong a sona a pele ho le boima, ho nka nako e telele ho bile ho batla tjhelete e ngata, mokgwa o hlakileng bakeng sa ho tshireletsa metsi a mobung o a hlokahala.
Mekgwa e lebisitswng mohloding e tla tswelapele ho bapala karolo ya bohlokwa mehloding ya metsi a ka hodimo, haholoholo ho etseng bonnete hore tshebediso ya metsi a ka hodimo e dula e le teng. Tshireletso ya boleng ba metsi a ka hodimo e tla fihlellwa ka ho sebedisa tsamaiso e lebisitsweng mohloding, ka ho tsepamisa maikutlo ho diketsahalo tse mobung tse tshwaetsang metsi a mobung. Mehlala e kenyeleditse kaho ya dibaka tsa matlakala le tulo tsa tlhwekiso ya metsi. Ho tlalatlala ha ho hlahella le tshebediso ya mehlodi ya metsi ho etsa hore ho be theko e hodimo bakeng sa ho tshireletsa mehlodi ka tsela tse tshwanang. Tsela e sebetsang, e tsepameng ya keno-mahareng ya tshireletso, e tla kgothaletswa ka mokgwa o fapafapaneng, ho ya ka tlhophiso ya mehlodi e theilweng bakeng sa mehlodi ya metsi a mobung.
Ho tshwana le mohlodi wa metsi a ka hodimo ho mobu, mehlodi kaofela e bohlokwa ya metsi a mobung Afrika Borwa , ha nako e ntse e ya e tla hlophuwa ka tsela le mekgwa e tshwanang.
Ka baka la seabo sa metsi a mobung ka nako tse ding ho phallo ya metsi a ka hodimo, ho tlamehilwe ho lekangwa mothamo wa metsi a mobung o ka kgonwang ho hulwa kantle le ho tshwaetsa bokgoni ba metsi a mobung le ho phela nako e telele kapa ho kenya letsoho ho polokelo ya metsi a ka hodimo. Hona ho etswa ka ho lekanya ho ka kenya bophelo mehloding e meng ya metsi a ka hodimo, hlahlobo ya kabo ya metsi a mobung ho phallo ya mohlodi wa metsi a ka hodimo le ho lekanya ditlhoko tsa bohlokwa tsa batho tse tlamehilweng ho fihlellwa ho tswa phepelong ya metsi a mobung.
Ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi bakeng sa mehlodi ya metsi a mobung di nkwa di le hlokolotsi bakeng sa tshireletso e batsi ya metsi a mobung. Dipalo tsa mehlodi ya metsi a mobung di tla etswa ho tataisa tshebediso le tsamaiso.
Hona ho tla amana le?
Boemo ba palo ya metsi a mobung (nako le moo sebaka se leng teng).
Sekgahla (rates) tsa kgulo ya metsi.
Boleng ba metsi a mobung.
Mobu o metsi ke karolo ya bohlokwa ya metjha ya mehlodi ya metsi. Ha e tshireleditswe ka hloko e fana ka dikuno tse ngata tse kang ho theola bohale ba morwallo, ho fana ka bophelo ho metsi a mobung le ho laola merwalo ya dintho tse sa hlokahaleng metsing, mme e sebetsa jwalo ka sefe ho ntsha dintho tse silafatsang. Hape a sebedisa palo e ngata ya metsi a moafalo. A na le bokgoni ba ho ka hlahisa, mme a bohlokwa haholo ho maphelo a fapaneng a dimela le diphoofolo. Hape mobu o metsi o bohlokwa bakeng sa tshebediso ya motho, bakeng sa mahlaka le jwang. Dibaka tse ngata tsa mobu o metsing di fedisitswe ka hohle kapa di sentswe ka baka la ho hulwa bakeng sa dijalo. Dibaka tse ding tsa mobu o metsing di ngodisitswe jwalo ka tse tshireleditsweng ka tlasa ditumellano tsa World Natural Heritage le Ramsar. Tshireletso ya mobu o metsing ho tla kena tshebeletsong ka maano le tsela tse etseditsweng mekgwa e lebisitsweng mehloding le tshebedisanong mmoho le mafapha a naha le a provense a tsa tikoloho a nang le karolo e kgolo ho tshireletseng mefuta e fapaneng e phelang?
Mekgwa ya tsa tlhaho e kenyeleditse mothalo le ho fumaneha ka bongata ha dimela tsa metsi le benthic invertebrae fauna (diphoofolo tse dulang tlase metsing) mothalo le ho fumaneha ka bongata le sebopeho sa dilemo tsa tlhapi Mekgwa ya hydro-geomorphology e kentse mokga wa hydrology?
Ha ho shejwa tekatekano tsa ho fihlella metsi, molao o kene bakeng sa mokgwa wa kgale ditokelo tsa metsi tseo bongata ba tsona di neng di itshetlehile ka ho ba le lefatshe le nang le metsi, ka mokgwa wa tsamaiso, ditumellano tsa nakwana le tse nang le dipehelo tsa tshebediso ya metsi.
Mekgwa e mengata ya tshebediso ya nako e telele le e batsi di tla sebediswa ka ho beha mabaka a tshebediso ya metsi ha tumello ya tshebediso e ntshuwa. Mabaka a tshebediso a fana ka sebopeho ho tsamaiso tse lebisitsweng mohloding jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 1 ya kgaolong ena, tseo di tswang ho mekgwa e lebisitsweng mohloding bakeng sa tshireletso ya mohlodi.
Ditumello tsa ho sebedisa metsi di tla kgothaletsa tsamaiso ya tsamaiso ya tshebediso ya metsi ke mafapha a tsamaiso ya metsi mme di etse moralo o o diphetoho tsa tshebediso ya metsi di ka etswang kateng.
Tlhaloso ya Molao (Act) ya tshebediso ya metsi ho karolwana ya 21 e namme haholo. E bolela ho nowa le ho sebediswa dijong, hape e bolela diketso tse ka amang boleng ba metsi le boemo ba mohlodi ka bo ona. Tshebediso ya metsi e kenyeleditse?
Dintlha tsohle tsa tsela tsa ho tsamaisa dintho tse silafetseng tse ka bang le tshwaetso ho mehlodi ya metsi, tse kang?
Ho tsamaisa dintho tse silafetseng kapa metsi a silafetseng a ho ya mohloding wa metsi ka peipi, kanale, dikgwerekgwere, molomong wa lewatle f.
Ho lahlela dintho tse silafetseng ka mokgwa o ka nnang wa le tshwaetso e ka senyang mohlodi wa metsi karolo ya 21 g.
Ho etsa diphetoho ho sebopeho sa sesosa sa metsi ho kenyeleditseng?
Tsela tse itseng tse ka amang bongata kapa boleng ba mohlodi wa metsi, jwalo ka?
Tshebediso ya mobu bakeng sa kgwebo ya ho jala difate morung ke yona fela tsela e teng ya ho theola phallo ya melapo e tsejwang ho fihlela ha jwale. Lefapha le tla hlahloba ketso tse ding ho mobu wa lehae, sebaka sa metsi kapa sebakeng sa lebatowa le moo tsena di etswang ho theola phallo ya molapo, mme lefapha le tla di tlaleha ka kopano le setjhaba jwalo ka diketso tsa theolo ya phallo ya molapo ho ya ka karolwana ya 36.
Ho kena diketsong tse laolehang jwalo ka ha ho hlalositswe ho karolwana ya 371, ka ho buisana le setjhaba ho ya ka karolwana ya 381 le ho karolwana ya 21e.
Tlhaloso ena e nammeng ya tshebediso ya metsi e sebediswa hohle ho NWRS. E sebetsa nakong e ngwe le e ngwe le mokgweng o mong le o mong wa metsi a ka hodimo ho mobu, le ho metsi a mobung moo tlhaloso ya karolo ya 21 e sebetsang teng?
Sehlomathiso sa 1 sa molao se dumella tshebediso ya metsi a phalo e tlase bakeng sa merero ya lapeng (e kentse tshebediso tsa nosetso ya dirapa le mehlape empa e seng bakeng sa kgwebo), empa e kenyeleditse tshebediso nakong tsa tshohanyetso le merero ya boithabiso.
Basebedisi ba tlamehile ho ba le tumello ya molao bakeng sa ho ka sebedisa metsi ho ya ka sehlomathiso sa 1. Tshebediso e ka hanelwa ho ya ka melao e ka behwang.
Molao ha o behe palo e itseng e ka sebediswang ho ya ka ditshebediso tse boletsweng ho sehlomathiso sa 1. Leha ho le jwalo ditshebediso tsena di tlamehile hoba tse utlwahalang kgahlanong le bokgoni ba mohlodi le ditlhoko tsa basebedisi ba bang. Lefapha le lekola kgafetsa tshebediso tsena ho ya ka sehlomathiso sa 1 ka sepheo sa ho fana ka palo e itseng e tlamehileng ho sebediswa ho ya ka ditshebediso tse fapaneng. Palo tsena tse lekantsweng di tla fapana dikarolong tse fapaneng tsa naha.
Ha ho hlokahale hore basebedisi ba ka ingodisa bakeng sa tshebediso e ho sehlomathiso sa 1.
Tumello kakaretso e dumella tshebediso e lekaneng ntle ho laesense, empa ena le dipehelo tse itseng.
Tekanyo di bewa ho tshebediso tsa metsi ka tlasa tumello kakaretso, hona ho ya ka mokgwa wa tshebediso le bokgoni ba mohlodi ho ka amohela tshebediso e ntle le ho isa tlase boleng ba mohlodi. Bakeng sa basebedisi ba bangata ba metsi, tsela ya tshebediso e fapane karolong tsa naha, ka ha palo ya metsi a fumanehang bakeng sa tshebediso le boleng ba ona bo fapane naheng. Dikarolo tse itseng tsa naha di ka nna tsa se kenyeletswe ho tshebediso kakaretso ka baka mehlodi ya metsi e seng e sebedisitswe haholo. Mohlala ke palo ya kgulo ya metsi a mobung ka tlasa tumello kakaretso sheba ka tlase?
Hodima ditekanyetso tse beilweng tshebedisong, pehelo tse ding di ka kengwa ho ditumello kakaretso ho ka karolo ya 29 ya molao. Ditumello kakaretso di ka hloka hore ditshebediso di ngodiswe ho ba ikarabellang tsamaisong, empa basebedisi ba bang ba ka behellwa ka thoko boingodisong bona.
Ditumello kakaretso di tlamehile ho fumaneha hohle bakeng sa ditshisinyo pele di ka kengwa ho lesedi la tsebiso ho Government Gazzette le ho etsa hore lesedi la tsebiso le fihlella basebedisi bohle le batho ba nang le kgahleho. Ditumello kakaretso di ka sebetsa bakeng sa nakwana, mme di ka lekolwa le ho lokiswa ka nako ena. Kamora hore nako ya tsona e fete di ka hlahlojwa bakeng sa ho ka tsamaisana le maemo a ha jwale, kapa nako ya tsona e ka eketswa?
Tswelopele ya ditumello kakaretso ke tse latelang?
Ho latela lenane la puisano le setjhaba, ditumello kakaretsi di ile tsa thehwa ke lesedi tsebiso la mmuso la 1191 kamohla la 08 Mphalane 1999?
Ho nkuwa ha metsi ho tswa mohloding karolo ya 21a le ho polokelo ya metsi. Hona ho tla sebetsa bakeng sa dilemo tse hlano ho tloha mohla la kgatiso le ho lekolwa hang dilemong tse pedi.
Ho kena ketsong tse laolehang karolo ya 21f, nosetso mobung o mong le o mong o silafetseng kapa metsi a silafetseng ho tswa diindastering kapa moo ho sebetswang ka metsi karolo ya 371a. E tla ba tshebetsong bakeng sa lemo tse tharo, mme e lekolwe hang ka selemong.
Ho tshollwa ha metsi kapa metsi a nang le tshilafalo ho ya mohloding wa metsi ka peipi, kanale, ka tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa mokgwa o mong le o mong karolo ya 21f, le ho tsamaiswa ka mokgwa o feng kapa o feng wa metsi a nang le tshilafalo ho tswa, metsi a ileng a futhumatswa, diindastering kapa moo ho fehlwang motlakase karolo ya 21h. E tla sebetsa dilemo tse tharo kamora tsatsi la kgatiso mme e lekolwe hang dilemong tse pedi.
Ho tsamaiswa ha metsi ka mokgwa o mong le o mong o ka bang le tshwaetso tse mpe mohloding wa metsi. Hona ho tla sebetsa bakeng sa lemo tse hlano kamora tsatsi la kgatiso, mme o lekolwe hang kamora lemo tse pedi.
Ho latela lenane la puisano le setjhaba, ho lekolwa botjha ha ditumello kakaretso tse theilweng ke mmuso di ile tsa hatiswa ho Government Gazzette ka la 26 March 2003 ka tlasa lesedi tsebiso la nomoro 399?
Ho latela lenane la puisano le setjhaba, ditumello kakaretso di ile tsa thehwa ke lesedi tsebiso la mmuso ka la 26 March 2003 la nomoro ya 398 ka baka la ditshebediso tsa metsi tse latelang?
Ho lebisa phallo ya metsi nqeng e ngwe ho tswa mohloding karolo ya 21c.
Ho fetola tulo ya moo metsi a le teng, mabopo, mekgwa ya mohlodi wa metsi karolo ya 21i.
Ho tsamaisa metsi a fumanehang ka tlasa mobu karolo ya 21j.
Kwebo ya ho jala difate morung bakeng sa ho theola phallo ya melapo karolo ya 361a le 21d.
Tshebediso ya boithabiso karolo ya 21k.
Dipehelo tsa molao tsa tshebediso ho ya ka sehlomathiso sa 1 le tshebediso ka tlasa ditumello kakaretso, di etseditswe ho theola diteko tsa ba tsamaiso ho dumelleng tshebediso e ngwe le ngwe ya metsi.
Jwalo ka mokgwa wa tswellisopele, molao o dumella tshebediso tse ileng tsa etswa se molao pele ho e tswa molao, hona ho bitswa tshebediso tse teng tse molaong?
Tumello ya ho ka sebedila metsi.
E tla ntshuwa ke ba tsamaiso, moo motho ya sebedisang metsi a ka etsang kopo.
E kena bakeng sa ditokelo tsa ditshebediso tsa kgale ho ka sebedisa metsi tlasa morero o ho laesense.
E kgethetswe tshebediso e itseng kapa ditshebediso tse o e tlang ho di sebetsa.?
E balletswe nako e itseng , e sa tloleng dilemo tse 40.
E ka ba le mabaka a itseng a manahantsweng ho yona.
Maikemisetso a molao ke ho fihlella ditlhoko tsa batho tsa bohlokwa tsa moloko wa jwale le o tlang, ho phahamisa tokelo ya metsi, le ho lokisa kgethollo ya mmala le botona tsa nako e fetileng.
Leha ho hlotjhwa ha kabo ya metsi bakeng sa boramapolasi ba holang, balemi ba ba nyane ba meru, le ho tsosa mekgatlo ya nosetso e seng e sa sebetse bakeng sa ho ka phedisa batho ba bangata mahaeng, hona ha ho fihlelle ditlhoko tsa batho ba bangata ba batlang metsi bakeng sa ditshebediso tse nyane tse kang ho etsa ditene, ho hodisa dikgoho le ho hlahisa dijo bakeng sa thekiso setjhabeng. Palo ya metsi a batlehang e nyane haholo dipatlisiso tse entsweng metsaneng e menyane di bontshitse hore ho ka fumaneha ha dilitara tse 50 ho ya ho tse 100 ka letsatsi bakeng sa lapa ka leng ho ka phahamisa maemo a bophelo haholo?
Leha sehlomathiso sa 1 se fana ka tshebediso e tlase ya palo ya metsi ho sa hlokahale hore ho be le tumello ho tswa ho ba tsamaiso, tshebediso ena e dumelletswe fela bakeng tse jwalo ka dirapeng tsa dijo le bakeng sa mehlape. Jwalo ka ha molao o leng kateng, tshebediso ya metsi ka tlasa sehlomathiso sa 1 e tshehetsa diketso tse bolokang bophelo empa di sa dumelle metsi ho sebediswa bakeng sa ho ka etsa tjhelete.
Ditlhoko tsa metsi ha di a tlameha fela ho fihlellwa ka tsela tsa phepelo ya dipeipi, kapa metsi a hulwang dinokeng. Metsi a pula a fumanehang ho tswa marulelong ka ho sebedisa ditanka, matamo a manyenyane kapa dibaka tse nyane tsa metsi di ka phahamisa mohlodi wa phepelo, mme le tshebediso e ngata e ka fumaneha ho tswa metsing a mobung. Mookodi wa mobu o ka kgona ho bolokeha mobung, mme kenello hare e ka eketswa ka ho aha meaho e bolokang metsi, a tlang ho ba le tshwaetso e nyane ho mehlodi ya metsi.
Lefapha le tla sebetsa hammoho le ditho tse ikemetseng tsa mmuso, haholo ba ditshebeletso tsa temo, le ho kena selekaneng le mekgatlo eo e seng ya mmuso le mafapha a poraefete ho ka fumana ditharollo le ho etsa bonnete ba hore tsela tsa keno mahareng di a sebediswa.
Ho bohlokwa ho ela hloko hore polokelo (sheba karolo ya 1 ya kgaolo ena) e na le maikarabelo hodima ditshebediso tsohle tsa metsi, mme ditlhoko tsa polokelo di tlamehile ho nkelwa hlohong pele ho ka fanwa ka laesense bakeng sa tshebediso e feng kapa e feng. Tumello tsohle tsa tshebediso ya metsi di itshetlehile ka ho etswa ha maikemisetso a polokelo, le ho ela hloko ditlhoko tsa polokelo ha ho lekangwa phumaneho ya metsi bakeng sa ho ka ajwa. Empa moo metsi a seng a ntshitswe bakeng sa tshebediso, ditlhokahalo tsa tulo ya polokelo di ka nna tsa fihlellwa ha nako e ntse e tsamaya ka ho lokisa kabo.
E seng jwalo ka karolo ya polokelo e dutseng mohloding wa metsi, tlhoko tsa bohlokwa tsa batho ho polokelo di tla tlameha ho hulwa ho tswa mohloding bakeng sa ho sebediswa. Leha mafapha a ditshebeletso tsa metsi a hloka laesense bakeng sa palo kaofela ya metsi ao e a nkang mohloding bakeng sa ho fepela bareki, ba tsamaiso ka sehlohong ha ba na hana palo ya metsi e hlokahalang bakeng sa ho ka fihlella tlhoko tsa batho tsa bohlokwa tsa metsi, leha e ka hlwaya mohlodi o o ho tlamehilweng ho fumana metsi teng.
Dilaesense tsa tshebediso ya metsi di fana ka tumello ho basebedisi le ho ba batlang ho ba basebedisi ho ka sebedisa metsi, kapa ho ka ba le phihlello ho mehlodi ya metsi bakeng sa merero ya kuno. Dikopo di ka etswa ho ya ka bo mong kapa ka sehlopha jwalo ka karolo ya laesense e sa kgetheng, hona ho hlaloswa karolong e latelang.
Ka kakaretso dilaesense di tla kopuwa ka bo mong bakeng sa basebedisi ba batjha, bakeng sa basebedisi ba teng bakeng sa ho eketsa kapa ho fetola tshebediso ya bona (mohlala ke bakeng tseo laesense e sa kgetheng e sa tlo sebetsang bakeng sa nako e itseng, moo tshebediso ya metsi e so kang e nepahala hantle le moo honang le metsi a lekaneng) le basebedisi ba teng ba batlang ho tswelapele ka tshebediso e lekantsweng (mohlala ke tumello ya ho tshela metsi a silafetseng ka mohloding wa metsi).
Motho ya batlang ho sebedisa metsi o tlamehile ho etsa kopo ho ba tsamaiso. Dintlha ka botlalo bakeng sa ho etsa kopo di se di theilwe, di qala ka puisano le mokopi ka tshebediso e sisintsweng, hona ho etsa hore ho kgonehe ho dumella kapa ho hanyetsana le kopo. Bakopi ba ka kopa thuso ya setekgeniki ya tsamaiso le ya ditjhelete ho tswa ho ba tsamaiso bakeng sa ho etsa dikopo tsa bona. Ba tsamaiso ba ka beha tefo bakeng sa nako ya bona ya ho hlahloba dikopo, ba ka beha tefo ena ho ya ka ho rata ha bona.
Laesense e sa kgetheng bakeng sa basebedisi ba ha jwale le ba nakong e tlang e tla nkwa ho latela ditlhokeho tse ho kgaolo ya 4, karolong ya 8 ya molao. Karolwana ya 43 e fana ka tsela ya ho hlahloba tlhokahalo ya laesense ya bakeng sa mang le mang le bakeng sa ho fana ka moralo ona bakeng sa ho ka ntshetswapele ha nako e ntse e tsamaya dikarolong tsa naha ho ya ka maemo a renang dibakeng tseo kapa mehloding ya metsi. Ho ya ka baka la mefuta ya metsi e hlalositsweng ho karolwana ya 21 ho amana mona le mane, ho tla ba bohlokwa ho ela hloko ho fana ka dilaesense tsa metsi ka nako e le ngwe sebakeng se itseng bakeng sa ditshebediso kaofela ho feta ho sebetsana le mofuta o le mong ka thoko.
Laesense bakeng sa mang le mang e tla fanwa bakeng tse hlaloswang e le tsa metsi. Ke baka tse ka bang 100 tsa metsi a ka hodimo le a mobung tse hlwauweng tse nang le manane a selemo a amanang le ditlhoko tsa metsi tsa sebaka seo a bontshang tsela eo mmuso o tlang ho tsamaisa dilaesense tsa mang le mang.
Ba tsamaiso ba ntsha tsebiso bakeng sa ho ka etsa dikopo, mme e romellwe ho basebedisi ba nkileng karolo tsamaisong ya dikopo (sheba ka tlase). Ba tsamaiso ba ka hlwaya basebedisi ba nako e tlang, haholo ho tswa dihlopheng tse neng di tinngwe menyetla le ho ditjhaba tse neng di sena monyetla wa ho ka fihlella mehlodi ya metsi nakong e fetileng, empa ba batla ho ka fihlella metsi ha jwale, ka ho etsa hore metsi a arorelanwa ka ntle ho leeme.
Basebedisi le basebedisi ba nako e tlang ba tlamehile ho isa dikopo tsa dilaesense. Molao o hloka hore basebedisi ba ise dikopo tsa bona, ho hloleheng ho etsa jwalo ho tla baka tahlehelo ya tshebediso e neng e fumaneha molaong wa kgale.
Ba tsamaiso ba hlahloba dikopo tsohle.
Ba tsamaiso ba rala ditharollo bakeng sa ho tsepamisa ho se lekane pakeng tsa metsi a hlokahalang le metsi a fumanehang, le ho fihlella tlhoko tsa polokelo le boleng ba metsi (sheba lebokoso 3.2.2)?
Kamora ho lekola ditshinyo le mabaka a hanyetsang ba tsamaiso ba tlamehile rala le ho hatisa lenane le qalang la kabo. Mang le mang ya ileng a hanyetsana le hona mme a hloleha o na le tokelo ya ho ka ipeletsa ho lekgotla la metsi ho ya ka kgaolo ya 5 ya molao (sheba karolo ya 5 ya kgaolo ena). Ha eba boipiletso bo atlehile ho tla fetolwa ditshisinyo tsena.
Ba tsamaiso ba tla hatisa nako ya kabo ya ho qetela ho Government Gazzette?
Kamora ho hatiswa ba tsamaiso ba ka nna ba aba dilaesense ho basebedisi ba metsi ho ya ka dipehelo tsa bona.
Mekgwa ya ho kenya motjha ona tshebetsong o ntse o thehwa.
Sebakeng se seng le se seng sa metsi a ka hodimo le a mobung hona le bokgoni ba ho ka ba teng ditharollo tse itseng bakeng sa ho ka tsepamisa ditlhokeho le phumaneho ya metsi.
Boikemisetso ba phumaneho ya metsi bo tlamehile ho elwa hloko kgahlanong le ditlhoko tsa ditabatabelo tsa boleng ba mohlodi le polokelo tse tlang ho lekangwa ho ya ka sehlopha, metsi ho fihlelleng ditokelo tsa matjhaba, mabaka susumetsang ho fihlella ditebello tsa tlhokeho ya metsi bakeng sa nako e tlang ho kenyeleditse le phitiso ya metsi e ka bang teng ho ya ho sebaka se seng sa tsamaiso ya metsi, le tshebediso tse ding tsa maano a bohlokwa, tsena kaofela ke maikarabelo a letona.
Tlhokeho tsa metsi di kenyeleditse tshebediso tsa metsi tse dumelletsweng ho ya ka laesense e ntshitsweng ka tlasa molao, tshebediso tse teng tse molaong tse nkuwang di nepahetse tseo dikopo tsa tsona di amohetsweng le tshebediso tse ntjha tseo kopo tsa tsona di seng di amohetswe. Ho ka hlokahala ho behella metsi ka thoko bakeng sa ditlhoko tse ka eketsehang tsa metsi ka baka la ho fihlella tekano ho mehlodi ya metsi (ho ka tshehetsa ditlhabollo tsa mahaeng), ha eba ba tsamaiso ba na le mabaka a ho ka kgolwa hore dipehelo tse ka thoko ha di a lekana bakeng sa morero ona ho tswa basebedising ba etseng dikopo ka nako ya dikopo.
Tsela ena e tla ba tshopodi, mme ho tla ba bohlokwa ho ka theha mekgwa e ka sebetsang bakeng sa ho ka tsepamisa dikgetho le ditlamorao. Papiso tsena di tla hloka dintlha tse felletseng tsa tshebediso ya metsi le phumaneho ya metsi ka tsela e ka lekanang le ya sebaka sa metsi. Lefapha le tla theha tsela le mekgwa ya papiso bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le mokgwa o tshwanang bakeng sa tsamaiso tsa metsi tse ikemetseng.
Tsela tsa ho lekanya tsepamiso ditharollong bakeng sa dilaesense tsa bakeng sa mang le mang di amahanywa le motjha wa ho kgobokanya leano la tsamaiso ya dibaka tsa metsi, ka hore dintlha tse hlokahalang bakeng sa lebaka la ho qetela di kgobokantswe le ho hlahlobiswa bakeng sa baka la pele. Lefapha le tla etsa bonnete ba hore tsela tsena tse pedi di hokahanywa.
Dikopo tsohle, e kaba tsa motho ka mong kapa tsa mang le mang, di tlamehile ho hlahlojwa kgahlanong le mabaka a ho karolo ya 27 ya molao. Ba tsamaiso ba tlamehile ho ela hloko mabaka bakeng sa ho ka lekanya hore tshebediso e amana ha kae le toka, poloko ya nako e telele le ho sebediswa ka hloko ho ya ka molao. Mokgwa o hlakileng o ntse o etswa bakeng sa ho phahamisa maemo a ho ka hlahloba dikopo.
Leha dikopo di batla di hloka hore basebedisi ba fane ka dintlha tsa tshebediso e lohothuweng, ho ka bonahala nakong eo ho hlahlojwang dikopo hore dintlha tse ding di a hlokahala. Ba tsamaiso ba ka hloka hore mokopi a fumane le ho fana ka dintlha tseo, kapa ba ka ipatlela ditlha tseo. Ka nako e ngwe mokopi a ka tshehetswa ka ditjhelete bakeng sa dipatlisiso tsena.
Nakong e ngwe le e ngwe, e ka ba ho hlahlojweng ha laesense ya bo mong kapa ya bakeng sa mang le mang, ba tsamaiso ba ka hloka hore mokopi a etse dintlha tsa kopo di tsejwe ho mafapha a mang a mmuso, bathong kaofela ba nang le kgahleho le ho setjhaba kakaretso, le ho mema dikganyetso tsa kopo. Hona ho reretswe ho ka lekanya tsela eo tshebediso e lohothuweng e ka se tsamaisaneng le diPholisi le melao ya mmuso, kapa kamoo e ka bang le kgahlamelo empe ho batho ba bang.
Karolo ya 28 le 29 ya molao e hlalosa ka dintlha tse tlamehileng ho ba teng laesenseng le maemo ao tshebediso ya metsi dumellwang kateng.
E ngwe ya dintlha tsa bohlokwa laesenseng ke bonnete ba nako ya yona. Dilaesense tsa nako e kgutswane di reretswe ho ka fana ka tshireletso e maemong a tshebediso ya metsi, ka lehlakoreng le leng e fana ka bokgoni ho ba ikarabelang ho ka sebetsana le diphetoho tse ka bang teng phumanehong ya metsi.
Leha hlahlobo ya dikopo ena le tataiso e nammeng bakeng sa ho lekanya nako ya laesense, tsela e ngwe le e ngwe ya tshebediso e fapane, ditataiso ha di a tlameha ho nkwa jwalo ka ka tsela e phethahetseng. Ho tlamehilwe ho elwa hloko tse latelang ha ho lekangwa nako ya laesense?
Bakeng sa tshebetso temong, mofuta wa dijalo tse lohothuweng, haholo hore ke tsa selemo kapa ke tse nako e telele.
Tsela tseo meaho e entsweng kateng bakeng sa ho sebetsana le phahlo tsa tsebediso ya metsi le tsela tseo tseo ho tswelapele ho fapana ho itshetlehileng ho tswellopele ya tshebediso ya metsi. Mohlala ke moo ho etswng patsi teng, moo ho etswang tswekere teng le difekteri tse etsang dijo tse ka makotikoting.
Kuno tsa setjhaba tsa tshebediso ya metsi, tse jwalo ka tsela tsa tshebediso tse thehang mesebetsi.
Ka tlasa maemo a itseng metsi a ka fumaneha a le mangata haholo ho feta tlhoko tsa nako eo, ba tsamaiso ba ka fana ka dilaesense tsa nakwana ho fihlella ditlhoko di phahama. Mohlala ke moo letamo le tlamehang ho phahamisa phepelo bakeng sa kgolo e lebeletsweng ho metse ya ditoropo le dibaka tsa diindasteri, metsi a ka fumaneha bakeng sa nako e kgutswane bakeng sa tshebediso ya temo ho fihlela kgolo ya ditlhoko e phahama.
Ka hodima ha nako ya laesense, metsi a feta ka tlasa maemo a mang a hlalositsweng ho karolo ya 29 ya molao. Kaofela tsena di reretswe ho etsa bonnete ba hore palo kaofela ya tshebediso ho tswa mohloding o itseng ha e senye seemo sa mohlodi, tshebediso tse itseng ha di senye seemo sa tshebediso tse itseng, le hore mehlodi ya metsi e tsamaiswa ka hloko.
Mabaka a itseng a beha palo e lekaneng ya tshebediso tse itseng tsa metsi, jwalo ka ka mothamo le nako ya dikgulo tsa metsi, mothamo o ka bolokwa kapa wa tsamaiswa. Maemo a mang a itshetlehile ho tshebediso tse itseng, mohlala ke mekgwa ya ho theola phallo ya molapo ka baka la ketso tse mobung. Tse ding di amana le tsamaiso ya mehlodi, mohlala ke ho ikamahanya le tsela tse itseng tsa tsamaiso, tlhokeho ya ho itokisa le ho latela leano la tsamaiso ya metsi kapa ho thehwa ha mekgwa e lekolang le dipehelo tsa dintlha.
Mabaka a tshebediso a tla buisanwa le ho dumellanwa le basebedisi. Taba e ngwe le e ngwe e tla nkelwa diqeto ho ya ka boleng ba yona. Mabaka a hlalositsweng ho karolo ya 29 a ka nna a kengwa ho ditumello kakaretso.
Basebedisi kaofela ba metsi ba tlamehile ho ikamahanya le mabaka a tshebediso ya metsi a kentsweng ho ditumello kakaretso le dilaesenseng, mme ba tsamaiso ba tlamehile ho etsa bonnete ba hore ba etsa jwalo.
Hona le palo e itseng ya dipehelo molaong e kgontshang ba tsamaiso ho fana ka melao e tlamehileng ho latelwa?
Ba tsamaiso, ha tlolo ya tshebediso ya metsi e ka fihla tsebeng tsa bona, ba ka fana ka tsebiso e laelang mosebedisi ho lokisa phoso ya hae.
Ha eba mosebedisi a hloleha ho ikobela tsebiso e o, ba tsamaiso ba ka emisa kapa ba nka tokelo ya ho sebedisa metsi. Mosebedisi o tla fuwa sebaka sa ho ntsha maikutlo a hae ka ho emiswa kapa ho nkwa ha tokelo ya hae ya ho sebedisa metsi.
Ho hloleha ho ikobela maemo a mang le a mang a tshebediso ho nkwa e le tlolo ya molao ka tlasa molao, mme ba tsamaiso ba ka kgetha ho bula nyewe kgahlanong le mosebedisi, mme ha a ka a ahlolwa o tla tlameha ho lefa kapa ho ya tjhankaneng.
Ho tla ba molemo bakeng sa basebedisi ho ikobela maemo a tshebediso, a radilweng le ho dumellanwa pakeng tsa basebedisi le ba tsamaiso. Ka tlasa maemo ho tla ba bohlokwa bakeng sa ba tsamaiso ho nka dikgato tsa se molao maemong a tshwanang le a na fela.
Leano le akaretsang la boikobelo ba tsamaiso le tla thehwa nakong eo ho qalwang ka diteko tsa dilaesense tsa mang le mang (sheba karolo ya 8 ya kgaolo ena), mme di kene tshebetsong ka nako eo ho seng ho ntshitsweng palo e itseng ya dilaesense ho ya ka molao.
Ho bohlokwa ho elellwa hore maemo a beilweng ho dilaesense ha a ke ke a dula a sa fetohe ka nako ya bophelo ba laesense. Boemo bo bong le bo bong, ka ntle ho ba nako ya laesense, bo ka fetolwa ha ho lekolwa botjha, haeba ditokiso tseo di hlokeha bakeng sa ho baballa seemo sa mohlodi wa metsi, le ho fihlella tekano pakeng tsa phumaneho le ditlhoko tsa metsi, kapa ho amohela diphetoho ditshebedisong tsa bohlokwa tsa metsi (karolo ya 49). Laesense e tlamehile ho lekolwa ka nako tse badilweng ho laesense, mme di ke se tlole lemo tse hlano.
Mabaka a laesense bakeng sa tshebediso tse tshwanang ho tswa mohloding o le mong wa metsi, di tlamehile ho arolwa ka mokgwa o lekanang. Ditekolo di tlamehile ho akaretsa, mme di tlamehile ho etswa ka kopano le basebedisi. Basebedisi ba o dilaesense tsa bona di fetotsweng ba tla fuwa nako ho ka itlwaetsa tshebediso e ntjha, nako tsa ho ka itlwaetsa di tla lekana mokgwa wa tshebediso le boholo ba phetoho.
Ha mosebedisi a bona hore theolo e teng ya tshebediso e molaong, ho hanelwa ka laesense ka nako tsa laesense tsa bakeng sa mang le mang, kapa ditokiso ho tshebediso ya hae di tla beha maemo a hae a moruo maemong a boima, ba ka kopa ho lefuwa ho tswa ho lekgotla la molao la metsi. Palo ya tjhelete eo e tla etswa ho latela karolo ya 25 ya Molao wa Motheo. Empa ha ho tefo e tlang ho etswa mabapi le diphetoho tsa tshebediso tse entsweng ka baka la ditlhoko tsa polokelo, le bakeng sa ho lokisa kabo e tlolang tekano mohloding wa metsi.
Tumello tsohle tsa ho sebedisa metsi naheng, tse batlang laesense ke mosebetsi o bohlokwa haholo, mme ho nka nako ho o pheta (sheba karolo ya 8 ya kgaolo ena). Jwalo ka ka kgato ya pele ya bohlokwa ho ya ho fumaneng laesense, le ho kgontsha ho beha theko ya metsi e ka kengwang tshebetsong, letsholo le se le nkilwe bakeng sa ho ngodisa ditshebediso. Ngodiso ena e tla ba ho fumana dintlha ka sebaka le tsela tsa tshebetso tsa karolo ya 21. Empa diphetoho tsa tshebediso ya metsi ha jwale ho leano la peho ya theko di ka kgonwa ho kgulo, poloko le ketso tsa theolo ya phallo ya molapo (ho jala difate morung bakeng sa kgwebo), boingodiso bo itshetlehile ho dibaka tsena tse tharo. Boingodiso ba ditshebediso tse ding bo tla etswa ha nako e ntse e tsamaya.
Nako ya boingodiso ba metsi e ile ya kwalwa mafelong a Phupu 2001. Ka baka la hobane dipersente tse ka bang 80 tsa mothamo wa ditshebediso tse tharo tsa metsi tseo diphetoho di ka nnang ya ba di ngodisitswe ka nako eo, lefapha le ne le kgotsofetse hore palo e kgolo ya basebedisi e kgonne ho ngodiswa ho ka kgontsha diphetoho tsa tshebediso ya metsi hore di seye ka leeme. Basebedisi ba sa ngodiswang ba ka lefiswa bakeng sa ho ingodisa kamora nako le ho beha tsietsing tetla ya bona ya ho sebedisa metsi. Dintlha tsohle tsa boingodiso di ntse di fetisetswa ho Water Authorisation and Registration Management System WARM mokgwa wa tsamaiso wa boingodiso le tumello tsa metsi sheba karolo ya 6 ya kgaolo ena. Lengolo la bopaki la boingodiso ha le fane ka tetla ya tshebediso e seng molaong?
Pele ho ka nkwa tsela ya dilaesense tsa bakeng sa mang le mang, ba tsamaiso ba tla netefatsa ho ba molaong ha tshebediso tse teng tsa metsi. Netefatso e tla etswa dibakeng tseo dintlha tsa boingodiso di bontshang hore tshebediso tse teng ha jwale di feta bokgoni ba mohlodi. Empa netefatso tsa nakwana bakeng sa bosebedisi ka bo ngwe bo ka nna ba etswa ha ebaneng ho hlokeha ho ka beha dintho ka mananeo, mohlala ke ho kgothaletsa ho fetiswa ha tumello ya tshebediso ya metsi (sheba ka tlase). Ha ho ka ha fumaneha hore tshebediso ya metsi e se molaong, kgato di tla nkwa ho lokisa boemo bona.
Tshebediso tse teng di tla netefatswa bakeng sa ho eketsa boingodiso ba basebedisi ba metsi.
Karolong ya 25 ya molao e fana ka maemo a mabedi a fapaneng a o ditumellano tsa tshebediso ya metsi di ka fetiswang teng.
Ya pele ke phitiso ya nakwana ya metsi a dumelletsweng bakeng sa nosetso, e kaba moahong o le mong bakeng sa tshebediso e fapaneng kapa ho ya moahong o mong bakeng sa tshebediso e tshwanang. Meaho ena e mmedi ha e a tlameha ho ba ya motho a le mong. Leha ntlha e ngwe le ngwe e tla lekolwa ho ya ka boleng ba yona, ka kakaretso diphitiso tsa nakwana di tla fanwa bakeng sa selemo fela, empa mosebedisi o na le monyetla wa ho ka etsa kopo ya kokeletso ya selemo. Dikopo tsa tumello ya ho etsa phitiso di tlamehile ho etswa ho lekala la tsamaiso ya metsi le ikarabellang ho sebaka seo.
Maemo a bobedi ke a phitiso ya nako tsohle, e ka etswang ke mosebedisi a le mong bakeng sa ho fana ka karolo kaofela kapa karolo e itseng ho etsa bobebe bakeng sa kopo ya mosebedisi e mong. Diphitiso tsa mofuta ona di nkwa jwalo ka kgwebo ditumellanong tsa tshebediso ya metsi, mme di hloka kopo ya dilaesense e ntjha, moo e tlamehang ho fihlella ditlhokeho tsohle tsa molao tse amanang le kopo ya laesense ho kenyeleditse le tlhoko tsa polokelo e bang ho sa ka ha fihlwa ho tsona. Phitiso ya nako kaofela e ba teng ha fela kopo ya laesense e se e ntshitswe. Di ka ntshwa fela ke ba tsamaiso, ntlha tse ding di ka hlomathiswa ho laesense e ntjha. Boemo bo jwalo e kaba ba ho lefa monga laesense ya pele.
Diphitiso, e kaba tsa nakwana kapa tsa nako tsohle, di tla dumellwa moo bobedi tshebediso ya moo metsi a tswang teng le moo a yang teng e le tsa mohlodi wa metsi o le mong. Ditsela di se di entswe ho sebetsana le diphitiso tsena, mme karolo ya Pholisi ya 26 e ka ngolwa ho ka fana ka motheo wa le botsitso ba diphitisetsano tsena.
Karolo ya 6 (b)(iv) ya molao e hloka NWRS ho etsa dipehelo tsa tshebediso ya metsi bakeng sa maano a bohlokwa?
Tshebediso e ngwe e tlamehileng ho dumellwa ke letona ke ya phitiso ya metsi ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi ho ya ho se seng. Letona le ka boloka metsi bakeng sa merero ena ha phalo ya metsi e se fumanehile, mona ke moo ba tsamaiso e ikemetseng ya sebaka sa metsi ba ka nnang ba, ha eba ba fuwe matla, fana ka ditumello tsa kakaretso le dilaesense sebakeng se o ba se laolang. Palo ya metsi bakeng sa ho abuwa bakeng se seng le se seng sa tsamaiso ya metsi e tla kengwa ho palo ya metsi a tlamehang ho fumaneha bakeng sa dibaka tse ding nokeng yona eo, mohlala ke dibaka tsa noka ya Vaal le Orange, di bontsha tshehetsano ho diphetisetsano tsa metsi ke baka tsa tsamaiso ya metsi bakeng sa nako e tlang, di fumaneha ho sehlomathiso D?
Ho tswelapele ha ho fumaneha ha motlakase naheng ho tswa ho moralo wa naha ho bohlokwa haholo bakeng sa ditlhabollo tsa setjhaba le moruo. Metsi kaofela a nkuwang bakeng sa ho fehla motlakase ho tswa mohloding wa metsi bakeng sa phepelo ya naha, kapa a bolokilwe ke Eskom dibakeng tsa yona tsa poloko moo di bang teng, a nkwa e le tshebediso ya leano la bohlokwa , mme e tla dumellwa ke letona kamora ho kopana le ba tsamaiso tse ikemetseng tsa dibaka tsa metsi le ba ka sehlohong.
Ho bohlokwa ho ela hloko hore tshebediso ena ya metsi e etswa fela bakeng sa ho nka metsi ho tswa ho mohlodi wa metsi le ho boloka metsi ao, e tla hlahlojwa kgahlanong le tshebediso e ngwe le ngwe e tlamehang ho ikamahanya le mabaka a tshebediso.
Dipehelo tsena ha di tlose maikarabelo ho Eskom bakeng sa ho ka ikamahanya le ditumello ho tswa ho ba tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi bakeng sa tshebediso ya diindasteri le phallo ho ya nokeng.
Tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boithabiso e hlaloswa jwalo ka ka tshebediso ya metsi ho molao sheba karolo ya 3.2.
Tshebediso bakeng sa boithabiso ho tswa ho mohlodi wa metsi e na le bokgoni ba ho Kenya letsoho ho tlhabollo ya setjhaba le moruo. Hona le mokgwa o ntseng o ralwa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore tshebediso ha e tsamaye ka leeme, e ikamahanya le ditshebediso tse ding, le sebedisa metsi ho ka bokgoni ba mohlodi. Mokgwa o na o tla kenyeletsa tlhabollo ya tse latelang?
Lenane la tshebetso le kentseng tlhokomediso le thuto, theho ya baemedi ba makala a tsamaiso, ho rala tataiso ka ntlha tsa ditjhelete (ho kenyeletsa tefo bakeng sa phihlello le tshebediso) le kuno ya molapo, le tsamaiso e batsi, le tlhabollo ya tsela ya tsamaiso le mekgwa ya boikobelo.
Tsela ya moralo wa tshebediso e bolokehileng bakeng sa ho rala phihlello le tshebediso ya maano le makala a tsamaiso bakeng sa ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba nang le seabo, ho kenyeleditse le metse e amehang, basebedisi le balaodi ba mehlodi ba ba le monyetla ho ka nka karolo ho raleng le ho kengwa tshebetsong.
Karolo ya 113 ya molao e fa letona matla a ho ka etsa metsi a tshebetso tsa mmuso le mobu o ka tlasa tsamaiso ya mmuso ho ka fumaneha bakeng sa merero ya boithabiso. Ho tlamehile ho elwa hloko haholo diPholisi tse tsamaisang phihlello ho tlhabollo le tshebediso ya metsi a ka hodimo le matamo a mmuso le bakeng tse potapotileng bakeng sa merero ya boithabiso.
Pholisi e ntse e ralwa ho latela karolo ya 116 ya molao e amanang le polokeho le tshireletso ya tshebetso tsa metsi tsa mmuso le polokeho ya batho ba sebedisang tshebetso tsena bakeng sa boithabiso.
Molao (act) ke moralo wa se molao bakeng sa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, empa ho fana ka dintlha kaofela bakeng sa ho ka etsa hore ditlhokeho tsa ona di kene tshebetsong. Dintlha ka ho kena tshebetsong di fumanwa melawaneng, ha di se di thehilwe ke lesedi tsebiso la mmuso, e bang karolo ya molao. Molao ona o matlafatsa letona ho ka etsa Pholisi tse ngata ka ntlha tse fapaneng tse hlalositsweng ho molao.
Pholisi e ka etswang e amanang le tshebediso ya metsi e hlaloswa ho karolo ya 26. Tswelopele mona ke e latelang?
Lesedi la tsebiso la mmuso la nomoro ya 704 la di 04 Phupu 1999?
Lesedi la tsebiso la mmuso la nomoro ya 1352 la di 12 November 1999, molao wa naha wa metsi wa 1998 (nomoro 36 ya 1998): Pholisi e hlokang hore tshebediso tsa metsi di ngodiswe. (Tokomane: Ho arolelana matla le mesebetsi ho ya ka Pholisi ya R1352 ya di 12 Pudungwane 1999 e hlokang hore tshebediso ya metsi e ngodiswe ho ya ka molao wa setjhaba wa metsi wa 1998)?
Lesedi la tsebiso la mmuso la nomoro ya 1228 la mohla 29 Phato 2003, molao wa metsi a setjhaba wa 1998 (nomoro ya 36 selemong sa 1998) le kopile ditshisinyo tse ngotsweng ho ka tliswa bakeng sa Pholisi e latelang?
Ho kgelosa phallo ya metsi sesoseng sa metsi karolo ya 21?
Ho tlosa kapa ho tsamaiswa ha metsi a ka tlasa mobu e bang ho hlokahala bakeng sa polokeho ya batho karolo ya 12j.
Lohotho ya netefatso ya Pholisi e tla ba dilemo tse hlano kamora letsatsi la kgatiso la lesedi la tsebiso la mmuso, mme e tla lekolwa hang lemong tse tharo.
Ho kgutsufatsa morero wa mokgwa wa tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boithabiso.
Ditlamorao tsa tsela tsa tsamaiso bakeng sa tlhwekiso ya metsi, tse lebisitsweng ho kgothaletseng ho theoleng tshilafatso ho mohlodi, ho kenya tshebetsong hape (recycling) le ho ntsha tjhefo.
Ditlholeho tsa tshilafatso di ka hlotjhwa, jwalo ka ho tsholleha ho tswa mesebetsing ya tlhwekiso ya dikgwerekgwere, kapa dibakeng tsa diindasteri, le ho ikala ha disosa, mohlala ke dibaka tse se nang tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho tswa phallong e tswang temong moo ho sebediswang menontsha. Ka baka la bokgoni ba tsona ho ka tshwaetseng mehlodi ya metsi a ka hodimo le a mobung, lefapha le (ho ya karolo ya 20 ya molao wa paballo ya tikoloho wa 1989 le tumellano le lefapha la tsa tikoloho le bohahlaudi) le ikarabela ho tsamaiseng tsamaiso ya dibaka moo tshilafatso e tshollelwang mobung. Leha ho le jwalo mmuso o dumetse ditokiso mane le mane ho molao wa paballo ya tikoloho o fetisetsang maikarabelo a na ho lefapha la tsa tikoloho le bohahlaudi. Phitiso ya mosebetsi e tla etsahala ho ya ka nako ya moralo o fihlelletsweng pakeng tsa mafapha ka sepheo sa ho ka Kena tshebetsong phitiso ka April 2005?
Tsela tse itseng ho ya ka mekgwa e lebisitsweng mohloding tse hlokang tsotello ho mmusong tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi di kentse tse latelang?
Moralo wa ditabatabelo tsa tsamaiso ya mehlodi e silafaditsweng ke ntlha e hlokolotsi.
Ho hlwaya dikotsi tse ka bang teng ho mehlodi ya metsi le ho beha tsela tsa tshebetso ka lenane.
Ho theha tsela tse amanang le tokiso ya mehlodi ya metsi.
Diqeto bakeng sa tlhaho le ka mokgwa o o ditshebediso tsa metsi le ditlhabollo di ka silafatsang mehlodi ya metsi ka teng di etellwa pele ke moralo wa ho nka diqeto o batsi o lekanyang tlhoko tsa ho sireletsa mehlodi ya metsi le tlhloko tsa tlhabollo ya setjhaba le moruo.
Mokgwa o sebediswang haholo ke wa ho thibella tshilafalo ho mehlodi wa metsi. Nakong eo tshilafalo ya mehlodi e senang ho thibelwa ho ka sebediswa tsela ya ho theola tshaetso tsa tshilafatso. Diqeto bakeng sa ho dumella ho tshollwa ho o di itshetlehile ho tshwaetso ho setjhaba, moruong le tikolohong. Moo tshilafatso e seng e isetse maemo a mohlodi wa metsi fatshe, kapa moo mobu o seng o tshwaeditswe o ka bang le kotsi bakeng sa boleng ba metsi, ditsela tsa ho lokisa di tla etswa bakeng sa ho kgutlisetsa mobu maemong.
Mokgwa o mong le o mong wa ho tshela tshilafatso ho mohlodi wa metsi o tla etellwa pele ke hlahlobo ya ho ka ba teng ha ditshwaetso ho mohlodi kapa ho basebedisi. Bakeng sa tshilafatso tse se nang kotsi tsela tsa ho ntsha kotsi kapa ditshwaetso tse tla dula di le tshebetsng. Mokgwa ona o lekanya hore tikoloho ya metsi o na le nako e o o felang ka yona le kamoo palo ya ona e sa tloleng bokgoni ba sebaka sa ona bakeng sa ho monya dintho tse se nang tjhefo tse tsholletsweng teng ntle le ho senya ditabatabelo tsa boleng ba metsi. Bokgoni ba ho ka monya bo tla fapana le ba mehlodi ya metsi e meng le wa hlopha tse ding tsa tsamaiso. Kamora ho ela hloko mabaka kaofela, mokgwa wa ho monya o tlamehile ho bolokwa bakeng sa ho ka arolelanwa le basebedisi ba bang.
Tsamaiso tse lebisitsweng mohloding di ka nna tsa sebediswa ho thibela kapa ho theola tshilafatso ka ho kengwa hape tshebetsong (recycling) kapa ka ho sebedisa metsi hape, ho etsa hore a kgutlele boemong ba ona, tlhwekiso, ho kenya tshebetsong mokgwa wa hlwekiso wa mahlale a ha jwale le ho kenya tshebetsong mekgwa e batsi ya tsamaiso.
Ho tsholla kapa ho lokolla metsi a nang le tshilafalo ho mohloding wa metsi ho tla dumellwa fela ka tlasa mabaka a latelang?
Moo tsela le mekgwa ya naha e kengwang tshebetsong. Tsela tse tlwaelehileng le tse ikgethileng bakeng sa ho tsholla tshilafalo kapa metsi a nang le tshilafalo le mekgwa ya ho tsholla kapa ho lahla tshilafalo, di tla tswelapele ho sebetsa ho fihlela mekgwa e metjha e thehwa mme e kena tshebetsong.
Ha eba mabaka a hlokahalang bakeng sa ho ka ikamahanya le tsela tsa ho etsa bonnete hore boleng ba metsi ke bo amohelehang ha di fihlelwe, di tla matlafatswa ka tse tlang ho etswa.
Tsela tsa ho tsholla di tla ngolwa molawaneneng. Tsela tsa ho hlephisa tshebetso di tla shejwa ka ihlo le ntjhontjho moo honang le mabaka a petetsang a setjhaba kapa a moruo, mme ho tla elwa hloko moo ho bonahalang hore?
Moo boleng ba mohlodi bo senang ho amoheleha ho hang.
Leha sepheo e le ho thibela ho tswelapele ha howa ha boleng ba mehlodi ya metsi ya naha le ho phahamisa maemo moo ho hlokahalang, ho ya fatshe ha maemo a boleng ba mehlodi ya metsi e itseng bo ka dumellwa bakeng sa nako e kgutswane ha ho ka bontshwa hore ho theolwa hona ha boleng ho etsa tshenyo e senang ho laoleha le hore ditjeho tsa tshilafalo ha di na ho fetitswa ho basebedisi ba bang ba mohlodi.
Tsela tsa tshebedisano di tlamehile ho sebediswa bakeng sa nako e itseng.
Maemo a tlhwekiso le maikemisetso, mekgwa le tsela tsa ho kgutlisetsa maemo setlwaeding, le ho hlopha tsepamiso ya ho kgutlisetsa maemo setlwaeding, di tla laolwa haholo. Empa mekgwa e tswileng tjaro ya tsamaiso e ka sebediswa le ho hlokahala ka nako tse ding. Ho kenya tshebetsong dipehelo tsa ditjhelete ho molao bakeng sa ho ka kgutisetsa maemo setlwaeding ho theha karolo ya leano la ho kgutlisetsa maemo setlwaeding.
Tsela ya metsi e bolela tsela eo metsi a noka dulang a e sebedisang bakeng sa ho phalla, kapa ho phalla ka nako e itseng le pokello ya metsi eo letona le ka e hlalosang, ka lesedi la tsebiso le ho Gazzette, e le tsela ya metsi. Karolo ya 1xxxiv?
Tshebediso ya mobu bakeng sa ho jala difate morung o seng o, kapa o ntseng o thehwa bakeng sa merero ya kgwebo, e hlalositswe jwalo ka ka sebaka seo ho theolwang phallo ya mohlodi ho ya ka molao bakeng sa ho ka kgutlisa tsamaiso tse amanang le metsi hodima kgwebo ya tjalo ya difate morung ka tlasa mokgwa wa tjalo ya difate o hlahisitsweng ka selemo sa 1971.
Sehlomathiso sa 1 Tshebetso tse dumelletsweng tsa metsi [karolo ya 4 le 22 (i) le ntlha ya 2 ya Sehlomathiso ya 3]: Motho a, ho ya ka molao, (a) ka nka metsi bakeng sa tshebediso ka lapeng ho tswa lehae la ena motho eo, ka kotloloho ho tswa mohloding o mong le o mong moo anang le tokelo ya ho o sebedisa; (b) ho nka metsi bakeng sa tshebediso tse latelang (i) tshebediso ya ka lapeng; (ii) dirapa tse nyane e seng bakeng sa kgwebo; le (iii) metsi bakeng sa diphoofolo tse fulang lefatsheng le o, ho tswa mohloding wa metsi o sebakeng seo haeba tshebediso e sa tlole bokgoni ba mohlodi bakeng sa tshebediso ya batho ba bang; (c) ho boloka le ho sebedisa metsi a tswang marulelong; (d) ho nka metsi ho mohloding o mong le o mong wa metsi ka nako tsa tshohanyetso bakeng sa ho nowa le ho sebediswa ka tlung le ho lwantsha mollo; (e) bakeng sa merero ya boithabiso (i) ho sebedisa metsi a o motho a nang le tokelo ya molao ho a sebedisa; (ii) ho sebedisa sekepana haufi le sebaka sa metsi seo motho eo a nang le tokelo ho sebaka seo sa metsi; le (f) ho lokollwa kapa ho tshollwa (i) metsi a silafetseng; kapa (ii) ho qhaleha ho tswa dibakeng tsa bodulo, tsa boithabiso, tsa kgwebo kapa tsa diindasteri ho ya kanaleng, lewatleng kapa ho ya sebakeng se laolwang ke motho ya nang le tumello ya ho hlwekisa metsi a silafetseng, ha eba motho eo a laola kanale le tsela tsa ho ya lewatleng. Ho dumellwa?
Dilasense tsa tshebediso ya metsi ha di a tlameha ho nkwa jwalo ka dilaesense tse batlahalang ho ka kgaolo ya 12 ya molao polokeho ya matamo, e amanang le kaho, katoloso le ho tlohelwa le ho lokiswa mane le mane ha matamo le ho emisa tshebetso tsa metsi pele letamo le ka sebetsa?
Ha ho lekodisiswa polokelo, ho dumelletswe tshebediso e kana ka dilitara tse 25 ka letsatsi bakeng sa motho a le mong ka ho tswa phepelong ya mohlodi bakeng sa karolo ya tlhoko tsa bohlokwa tsa motho, ho ya ka Pholisi e teng ya tshebediso ya metsi. Hona ho lekana le metsi a mahala a fanwang ke makala a ditshebeletso tsa metsi ho ya ka Pholisi ya molao, e leng dikilolitara tse 6 ka kgwedi bakeng sa lelapa la batho ba 7 ho ya ho 8.
Karolo ya 6 (b) ya molao- Dikahare tsa NWRS- di batla NWRS?
Karolo ya 43 Dikopo tsa dilaesense tsa bakeng sa mang le mang: haeba ho le bohlokwa bakeng sa tshebediso ya metsi ho ka ntshetswa laesense ho tswa mohloding o le mong kapa e mengata ya sebaka se le seng - (a) ho fihlella tekano ya kabo ya metsi ho tswa mohloding wa metsi ho ya ka karolo ya 45?
Mokgwa wa tshebediso ya metsi bakeng sa boithabiso o ntse o ralwa tshebedisanong mmoho le batho ba nang le seabe ho kenyeleditse mafapha a tsa tikoloho le bohahludi, tshebeletso tsa setjhaba, taba tsa mobu, kgwebo le diindasteri, la dipalangwa, la poloko ya ditjhelete tsa naha le la dipapadi le boikgathollo Afrika Borwa.
Ha hona karolo kapa karolwana ya molao wa metsi moo ho nang le dipehelo tse hlakileng bakeng sa paballo le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi.
Khetho tsa ho tlatselletsa phepelo ya metsi ka kaho ya meaho di nyane (sheba karolo ya 2), mme nako e tlang ho tlamehile ho tsepamiswa maikutlo ho tsamaiseng kgolo e eketsehang ya tlhoko tsa metsi bakeng sa ho ka fihlella tekano ya nako e telele pakeng tsa phumaneho le tlhokeho ya metsi. Le ha ho tla nne ho be le ho ahuwa ha matamo le ntho tse ding karolong tsa naha (sheba karolo ya 2 le sehlomathiso sa D), mathata a ho ba teng ha metsi nako e tlang a tla lokiswa ka ho sebedisa ho kopangwa ha lehlakore la phepelo le la tlhoko.
Paballo le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi di amana le tshebediso e ntle, ebile e lokile bakeng sa ho theola tahlehelo le tshenyo, mme ke dintlha tsa bohlokwa tsa mokgwa wa tshireletso ya mehlodi ya metsi.
Mekgwa ya ho sireletsa mehlodi (e hlalositse karolong ya 1 ya kgaolo ena).
Mabaka a tshebediso ya metsi ho ya ka ditumello kakaretso le dilaesense (karolo ya 2 ya kgaolo ena).
Theko ya metsi jwalo ka morokotso bakeng sa tshebediso e ntle (e hlalositswe karolong ya 4 ya kgaolo ena).
Tsamamasiso ya diketsahalo tse itshetlehileng mobung ho ya ka theolo ya phallo ya molapo le mesebetsi e laolwang (sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena).
Taolo ya dimela tsa melata (sheba karolo e tlang).
Lefapha le ntse le rala leano la naha la paballo ya metsi le tsamaiso ya ditlhoko le maano a mararo bakeng sa makala a tshebediso ya metso a latelang, ditshebeletso tsa metsi, temole diindasteri, merafo le fehlo ya motlakase. Maano ana a tla hlalosa mekgwa e kgothaletsang le ho tshehetsa makala a metsi le basebedisi ba metdsi bakeng sa ho eketsa tshebediso ya metsi e lokileng le ho theola tlhoko tsa bona tsa metsi. A itshetlehile hodima mabaka a hore bongata ba basedise ba metsi bo ka kgona ho hlokomela boleng ba bona ba bophelo, le ho ka fihlella ditabatabelo tsa bona ka tshebediso ya bona ya metsi ka ho sebedisa metsi a tlase le ho theola tshenyo ya metsi ka ho fetola mekgwa le ho sebedisa tekenoloji bakeng sa ho boloka metsi.
Maano ana a keke a fana ka dipehelo tse thata ho ho fetolweng bakeng sa makala a metsi le basebedisi. Tabatabelo e ka sehlohong maanong ana ke ho theha moetlo wa paballo ya metsi ka tsamaiso le ditlhoko tsa metsi makaleng ohle a tsamaiso ya metsi le a ditshebeletso tsa metsi jwalo ka ha ho hlalositswe ho molao wa naha wa metsi le ho molao wa ditshebeletso tsa metsi (makala a ikemetseng a tsamaiso a dibaka tsa metsi, mekgatlo ya basebedisi ba metsi ba tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi, le ba fanang ka ditshebeletso tsa metsi ka bongata le thekiso, jwalo ka diboto tsa metsi) le hara basebedisi ba metsi. Lefapha le tla tshehetsa makala a metsi le ho a thusa ho ka theha le ho kenya tshebetsong maano a tla tsamaelanang le maemo a ona a ka sebetsang hantle moruong, a bolokang ditjhelete le kuno ditshisinyong tsena. Karolo ya bohlokwa ya leano la naha la paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi ke lenane la puisano, thuto, tlhokomediso le kgothaletso, le tlhabollo ya marangrang a tshebetso.
Basebedisi ba metsi ba matlafaditswe bakeng sa ho ka utlwisisa boleng ba metsi jwalo ka mohlodi o sa funeheng ha bonolo le ho ba le boikarabelo tshebedisong ya ona (metsi).
Ho hlokahala ha matsete bakeng sa meaho e metjha ho ka nna ha kgutlisetswa morao mme ho eketswa ha ditjeho tsa metsi ho diehiswe.
Botsitso ba ditjhelete ba makala a metsi bo ka nna ba matlafatswa ka ho theola ditlhoko tse sa eketseng lekeno- hona ho ka bakwa ke metsi a sa sebediswang a bakilweng ke ho dutla ha marangrang a dipeipe tsa metsi le ho senngwa ke basebedisi ba sa lefeng.
Mafapha a metsi a ikarabelang bakeng sa ho fepela metsi a tlamehile ho nka dikgato ho theoleng ho dutla ho mekgwa ya bona ya phepelo ya metsi, le ho hlabolla le ho kenya tshebetsong mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi.
Basebedisi ba tlamehile ho boloka metsi le ho sebedisa ka tsela e phepa.
Metsi a senyehileng ke metsi a o ho sa tholwang kuno ho tswa ho ona. Ho se sebedise metsi ka tshwanelo ka ho tlola palo ya metsi bakeng sa morero o itseng.
Ka nako eo ho nang le tlhokeho ya metsi tharollo ya hlakore la ditlhoko e tla elwa hloko hammoho le ya phepelo bakeng sa ho ka eketsa dikgetho. Mekgwa ya ho nka karolo le ya dipuisano bakeng sa ho ka kenya tshebetsong mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi e tla eketsa moralo wa leano ho tloha ho phepelo ho ya ho mosebedise, ka ho etsa hore basebedisi le makala ba arolelane boikarabelo ba ho etsa bonnete hore ho ba le tshebediso e batsi ya metsi.
Lenane-tsamaiso la mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi bakeng sa lekala la phepelo ya metsi le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere, ke la bohlokwa hobane, le ha le etsa persente tse 15 tsa tshebediso kaofela ya naha ntle le metsi a fepelwang diindasteri ke ba ka sehlohong ba tshebeletso tsa metsi, ke sehlopha se o ho lebelletsweng kgolo ya ditlhoko. Tshebediso e lokileng ya metsi e tla theola ditjeho tsa ho hlwekisa le ho isa metsi ho bareki le tlhwekiso ya metsi a silafetseng.
Makala a ditshebeletso tsa metsi a tla lebellwa ho ka rala ka bo ona maikemisetso a tsona le dipehelo tsa palo ya metsi a tlamehileng ho sebediswa bakeng sa tshebediso e lokileng ya metsi. Tsena di tla kenyeletswa ho maano a tlhabollo ya ditshebeletso tsa metsi, mme a tla lekolwa botjha ke ba tsamaiso (ke lefapha kapa ba tsamaiso e ikemetseng ya sebaka sa metsi sheba karolo ya 5 ya kgaolo ena) ka nako eo ho ajwang dilaesense?
Temo e nosetswang e nka persente tse 62 tsa metsi ohle a sebediswang Afrika Borwa. Leha hona le dibaka tse o metsi a sebediswang ka thloko, hona le tahlehelo e ngata ho mekgwa ya tsamaiso ya metsi le nosetsong, empa tshebediso e matlafatseng e ka kgonahala nqeng tse ding. Ho una ka baka la ho sebedisa metsi ka hloko makalaleng ho tla etsa hore metsi a fumanehe bakeng sa polokelo le ditshebediso tse ding.
Leano lena le tla fana ka moralo wa tshehetso le morokotso bakeng sa ho ka phahamisa maemo a nosetso. Le phahamisa tekano tshebedisong ya metsi makaleng bakeng sa ho phahamisa tlhahiso le ho kenya letsoho ho theoleng ho se lekalekane meputsong ya batho ba tshehetswang ke kgwebo ya dipolasi. Tsamaiso ya moralo e hlalositsweng leanong e hlaloswa ka botlalo ka tlase.
Mekgatlo ya basebedisi ba metsi le basebedisi ba metsi ba utlwisisa le ho ananela lebaka la ho ntjhafatsa mekgwa ya metsi le disebediswa tsa nosetso.
Ho kenya tshebetsong tsela tsa ho thibela le ho lokisa.
Makala a tsamaiso le ba fanang ka ditshebeletso tsa metsi ba kentse tshebetsong hlahlobo ya mesebetsi ho tswa ho mohlodi wa metsi ho ya basebedisi le ho feta moo.
Ho ka fihlella ditabatabelo, ho tlamehile ho elwe hloko basebedisi ba metsi ba sehlopheng sa temo ba kopang dilaesense tsa tshebediso ya metsi bakeng sa ho hlabolla le ho nehelana ka moralo wa tsamaiso ya metsi ho ba tsamaiso ho latela tsela tsa tshebetso bakeng sa paballo ya metsi le tsamaiso ya ditlhoko temong: Meralo ya tlhabollo le tsamaiso ya metsi.
Ho phela hantle ha sehlopha sena ho bohlokwa haholo tlhabollong ya moruo wa Afrika Borwa, mme e hloka phepelo ya bonnete e ngata. Sehlopha sena se nka persente tse 15 tsa tshebediso ya metsi a naha, ho kentse metsi a sebediswang ke diindasteri tse fepelwang ke ba tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi. Leha ho le jwalo ho ntse hona le sebaka bakeng sa tshebediso e phahameng e lokileng ya metsi ntle le ho ama hampe merero ya moruo. Sehlopha sena ke sona sesosa se seholo se tshollelang metsi a silafetseng mehloding ya metsi.
Ho tswelapele ho hlahloba tshebetso tsa metsi le metsi a setseng.
Palo e ntshitsweng ya tshebediso ya metsi bakeng sa tshebediso tse fapaneng le ho diindasteri.
Ho ka fihlella tsa ka hodimo, basebedisi diindastering ba batlang dilaesense tsa ho sebedisa metsi (basebedisi ba fumanang metsi ka kotloloho ho tswa mohloding wa metsi) ba ka kopuwa ho rala le ho nehelana ka moralo wa tsamaiso ya metsi ho ba tsamaiso ho latela tsela tsa tsamaiso tse tlang ho thehwa ke lefapha. Bakeng sa basebedisi ba o ba tlamehileng ho nehelana ka moralo o o jwalo ka karolo ya bona ya moralo wa tsamaiso ya tikoloho, lefapha le ka hanyetsa tlhokeho ena. Basebedisi ba baholo ba metsi ba fumanang metsi ho tswa ho phepelo ya masepala, mme ba sa tlameha ho fumana laesense ho tswa ho lekala la tsamaiso ya metsi, ha ba a tlameha ho nehelana ka moralo wa tsamaiso ya metsi empa ba ka etsa jwalo ha ho hlokahala ke ba tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi.
Lefapha lena le karolo e ikgethileng e o le e bapalang mananeng a thuto a ho hlabolla tlhahiso leseding setjhabeng le puisano bakeng sa mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi. Lefapha le tla tswelapele ho etsa diprojeke dibakeng tsena ho hlakisa bohlokwa ba ho nka karolo ha setjhaba ho fihlelleng ditabatabelo tsa mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi. Karolo ya tlhahiso leseding ha setjhaba ho phahamisa ho kutlwisiso le tshehetso ho mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhloko tsa metsi ka hara setjhaba, ho kentse metse le makala a thuto tse phahameng. Karolo ya thuto ya sekolong e tla phahamisa mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi haholo ho baithuti le mesuwe. Karolo ya puisano e tla hokanya ho thaota ho ikgethileng, mehlodi le diketsahalo tse potapotileng mekgwa ya paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhoko tsa metsi makaleng a fapaneng a metsi, ho kenyeleditse le tsamaiso ya metsi le makala a ditshebeletso tsa metsi.
Ditekanyo tsa ha jwale di bontsha hore dimilione tse 10 tsa dihektara tsa lefatshe di na le dimela tsa melata tse hlodisanang le ho nka sebaka sa dimela tsa tlhaho. Ha di batlehe hobane di na le tshwaetso ho dimela le diphoofolo tse dulang tikolohong le tshebetsong ya tikoloho le ho tshebetso ya tlhahiso ya mobu. Hona le bopaki ba hore di sebedisa metsi a mangata ho feta dimela tsa tlhaho. Hona ha dipula ho batla ho tshwana le ho jalwa ha difate bakeng sa kgwebo, e hlaloswang jwalo ka phallo e theotsweng ya molapo (sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena). Kgwebo ka meru e laolwa bakeng sa ho ka kgutsufatsa ho theoha ha metsi a fumanweng, ha dimela tsa melata di laolwa ke molao wa paballo ya mehlodi ya temo wa selemo sa 1983 (nomoro 1983), o sa lokiseng ka botlalo maemo a mmuso le mobu o kopanetsweng.
Tekanyo tse qalang, tse itshetlehileng ka sepheto sa diteko ho kgwebo ya sebaka tjalong ya difate morung, ke tsa hore tshebediso ya metsi ke dimela tsa melata e feta ya dimela tsa tlhaho, mme e ka theola palo ya metsi moo di hlahellang teng. Ho tlosa ditshwaetso ho ka eketsa phallo ya molapo. Empa hona le phapang pakeng tsa dibaka, le ho mefuta ya dimela le mokgwa wa kgolo wa dimela. Ho ntse ho tswelwapele ho ntlafatsa ho nepahala ha ditekanyo tsena tsa tshwaetso le ho theoheng ha metsi. Ditlamorao tsa metsi a mobung di tlamehile ho netefatswa bakeng sa ho ka fumana setshwantsho se feletseng ho thuto ya metsi a lefatshe. Empa ho se ho ntse ho bonahala hore mathata a teng mme a tla ata ha ho sa nkwe dikgato.
Kaha ho haptjwa ke dimela tsa melata ho ama tshebediso ya tlhahiso ya mobu, ena e ba ntlha ya tsamaiso ya mobu. Mokgwa o ka sebediswang o tla etswa ho kopanetswe ke lefapha la tsa tikoloho le bohahlaudi, lefapha la naha la temo le lefapha la tsa metsi le meru.
Ha jwale, ka tlasa lenane la tshebeletso ya metsi, ho mosebetsi wa ho tlosa dimela tsena o etswa mobung wa mmuso, jwalo ka dibakeng tsa paballo ya tlhaho, le ho dibaka tsa poraefete. Ho hlokwa ho kenwa ditumellanong le banga ba mobu ho etsa bonnete ba hore mobu o dula o sena dimela tsena kamora hore ditloswe. Moo banga ba mobu ba sa batleng ho kenela ditumellano tsena, ho tla sebediswa molao wa paballo ya mehlodi ya temo bakeng sa ho etsa hore ba hlaole dimela tsena. Pholisi ona o beha lenane la dimela tsa melata tse tlamehile ho tloswa mobung, le tse tlamehileng ho hodiswa ho ya ka tumello le tseo di sa tlamehang ho rekiswa. Ho kenngwa tshebetsong ho tla etswa ho kopanetswe ke makala a ikemetseng a mmuso.
Nakong e tlang banga ba mobu, bahlokomedi le batsamaisi ho tswa makaleng setjhaba le a poraefete ba tla nka boikarabelo ba ho laola kgolo ya dimela tsa melata dibakeng tsa bona. Hona ke kgato ya ho etsa hore batsamaise ba mobu, haholo ba mafapha a diprovense a paballo le temo, hammoho le banga ba mobu wa poraefete, ho nka tsamaiso ya dimela tsa melata jwalo ka e nngwe ya tshebetso tsa bona tsa bohlokwa, ka thuso ho tswa lenaneng la mmuso. E tla ba boikarabelo ba batsamaise ba makala a setjhaba hore mesebetsi ena e tshehetswa ka ditjhelete.
Ho tswa lehlakoreng la tsamaiso ya mehlodi ya metsi, tsamaiso ya dimela tsa melata dibakeng tse itseng tsa dibaka tsa metsi di behwa ka sehlohong maanong a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, ho tlamehilwe ho fumanwa tekano pakeng tsa phumaneho ya metsi le tlhoko tsa metsi, le ho ka eketseha ho metsi a phallang ka baka la ho tloswa ha dimela tsena. Moo ho hlaolwa ha dimela tsa melata ho etsang hore tshireletso ya metsi e ntlafale, ditjeho tsa di tla tshehetswa ke makala a tsamaiso ya metsi ka ho sebedisa diphetoho tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho basebedisi ba metsi (sheba karolo ya 4 ya kgaolo ena). Hona ho tla etswa ka kopano le batsamaise ba mehlodi ya metsi, basebedisi ba metsi le batho ba nang le seabe.
Ditshitshinyo tse amanang le dipehelo tsa metsi le manane a mang a ditjhelete tsamaisong ya metsii di fumanwa karolong ya 5 ya molao wa naha wa metsi.
Molao wa naha wa metsi (Water Act) o fana ka matla ho letona ka puisano le letona la tsa ditjhelete, le ka mora ho buisana le setjhaba ho theha leano la theko mabapi le tshebediso ya metsi ho ya ka karolo ya 21.
Tshehetso ka ditjhelete tsamaisong ya metsi ditshebetsong tse jwalo ka phumantsho le pokeletso ya lesedi ho lekola metsi le tsamaiso le tshireletso ya ona (ho kenyeleditswe le dikgwerekgwere).
Tshehetso ya ditjhelete ntshetsopeleng ya tsamaiso ya metsi le tshebetso ya metsi. Ditjeho tsa dipatlisiso, moralo wa maano, dikaho, tsamaiso le tlhokomelo ya tshebetso tsa metsi, tshehetso ya ditjhelete ntshetsopeleng, pohelo dithotong le ditjeho tsa phano ya metsi.
Tsamaiso ya mehlodi le ntshetsopele ya mehlodi e nale ditjeho tsa ditjhelete tse amanang ka kotloloho le ditjeho tsa tsamaiso le phano ya metsi ho tswa makaleng.
Phihlello e lekanang le e potlakileng ya phumantsho ya metsi. Merokotso ya ditjhelete ho kgothalletsa tshebediso e lokileng ya metsi; paballo ya metsi le ho tloha boleng bo tlase ho ya ho bo hodimo ba tshebediso ya metsi.
Tsena ke ditjeho tse amanang le boleng ba metsi ho basebedisi ba ona.
Tabatabelo ya leana la ditheko ke ho kenya letsoho phihlellong ya ditekano le polokeho ditabeng tsa metsi ka ho ntshetsa pele polokeho ya ditjhelete le tshebeding ya metsi. Tabatabelo e nngwe ke ho netefatsa hore ditjeho tsa nnete tsamaisong ya mehlodi ya metsi le phano ya metsi, ho kenyeletswa le ditjeho ho tswa ho basebedisi, dipehelo di entswe bakeng sa dithuso tse fapaneng ho basebedisi ba metsi ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng ho ntshetsa pele phumaneho e lekaneng tshebedisong ya mehlodi ya metsi.
Ntlha ya bohlokwa: leano la ditheko le amanang le ditefo tsa tshebediso e ngwe le e ngwe ya metsi e theilwe ho ya ka motjha wa tshebetso, o hlalositswe karolong ya 56 ya molao empa e seng ho ya ka NWRS?
Lesedi la leano la ditheko le hlaha ho NWRS moo ho hlaloswang ka ho phetahala ka moo ho ka kgonahalang mabaka a lefapha a tsamaiso ya mehlodi ya metsi?
Karolo e nngwe ya leano la dipehelo e se e entswe (sheba 3.4.1.3 ka tlase). Ho latela dipehelo tsa molao tsa ho buisana, lefapha le tla mema ditshisinyo dikarolong tse ding tsa leano tsa theko tsa metsi.
Leano le felletseng la ditheko le tla sebetsa tshebedisong ya metsi e hlalositsweng karolong ya 21 ya molao (sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena) e reng, ho nka metsi ho tswa mohloding, ho tsamaisa dikgwerekgwere ka hara mohlodi, ho boloka metsi ditshebedisong tse ding tse jwalo ka tshebediso ya boithabiso. Ho feta moo, le lokisa ditheko mabapi le ditekanyetso tsa lekgetho tsa lefapha le dintho tsa tsamaiso ya metsi tse hlomamisitsweng ho latela molao. Ha e sebetsane le metsi a hlwekisitsweng a fanwang ka bongata ke diboto tsa metsi le ho abelwa malapa ho tswa ho batsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi. Hona ho se ho entswe ho latela molao wa ditshebeletso tsa metsi wa 1997. Le ha ho le jwalo, ho na le tlhoko tse hlakileng ka hara molao ho etseng bonnete ba hore leano la theko le tshehetsa theho ya lekgetho bakeng sa ditshebeletso tsa metsi ho ya ka molao wa ditshebetso tsa metsi.
Ditshebediso tsa metsi tse hlalositsweng karolong ya 21 di fapane mme di batla mekgwa e tjhatsi bakeng sa ho ka beha ditefo. Leano le phethahetseng la ditheko le tla kenya dikarolo tse latelang ka tlase.
Leano la ditheko bakeng sa kgulo le poloko ya metsi le ketso tsa ho fokotsa phallo ya melapo.
Ntlha ya bohlokwa: Ho latela kopano le setjhaba, karolo ena ya leano la ditheko le ile la thewa ho kgatiso ya lesedi la mmuso la nomoro ya 1553 ka la 15 Pudungwane 1999 mme ho tshisinyo di kwetswe.
Tekolo e kopanetsweng le ba amehang ya leano la ditheko le qadile mahareng a 2004 mme le tla tshehetsa tshebediso ya metsi bakeng sa ditefo tse latelang tsa kgulo, polokelo, mesebetsi ya ho theola phallo ya molapo le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
Karolong ena ya leano la ditheko ditefiso di tla sebetsa fela mekgweng e meraro ya tshebediso ya metsi e ka hlaloswang ho ya ka methamo e sebedisitsweng selemong.
Poloko ya metsi karolo ya 21 b. Hona ho bolela kgulo ya metsi ho tswa polokelong kapa ho tswa matamong a ahilweng bakeng sa ho phahamisa boleng ba moaho kapa bakeng sa tshebediso ya boithabiso.
Ho beng le seabo phokotsong ya phallo ya mohlodi karolo ya 21 d. Lena ke lona lefatshe la tjalo ya difate morung le thehilweng bakeng sa merero ya kgwebo e boletsweng nkuwang jwalo ka phokotso ya phallo ya molapo.
Karolo ena ya leano la ditheko ke hona ke ntseng le ralwa. Le tla sebetsana le dintlha tsa ditefo kaofela tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere ka tsela e latelang?
Ho kena ketsong tse laolehang karolo ya 21e karolo ya 371a le karolo ya d?
Ho tsamaisa metsi a silafetseng kapa metsi a nang le tshilafalo ho mohlodi wa metsi karolo ya 21f.
Ho tsholla tshilafalo ka mokgwa o ka bang le tshwaetso tse empe ho mohlodi wa metsi karolo ya 21(g).
Ho tsholla metsi a nang le tshilafalo ho tswa diindastering tse fehlang motlakase karolo ya 21h.
Dintlha tsa ho tloswa ha metsi a fumanwang ka tlasa lefatshe karolo ya 21j moo a ka bang le tshwaetso ho boleng ba metsi.
Mokgwa wa tefiso o tla itshetleha ho mokgwa wa o o mosilafatsi a lefang, mme o tlosa disosa tsa tshilafalo.
Ho etsa bonnete ba hore ditjeho tsa tshilafatso di nkwa ke mosilafatsi le hore ha di fetisetswe ho basebedisi ba bang ba ka bang ka mosing ka baka la tshwaetso tse empe ho mohlodi wa metsi kapa tikolohong.
Ditefiso tse entsweng ka mokgwa ona di entswe bakeng sa ho bontsha le ho thola ka kotloloho kapa ka tsela tse ding ditjeho tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere. Ho ka kgonahala ho hlwaya basilafatsi le ditjeho tsa ho theola tshaetso ho ka mekgahlelo ya basilafatsi mme mekgwa ya ho beha ditjeho ka kotloloho le ka tsela tse ding e tla etswa.
Tefiso tse sa fetoheng ho latela mothamo wa tsamaiso ya dikgwerekgwere o sa amaneng le tshilafalo e entsweng ke mosilafatsi.
Tefiso e itshetlehileng ka karolo ya morwalo wa tshilafalo. Tefiso e tla amana le letswai le nthwana tse amanang le letswai.
Tefiso moo morwalo o tlolang boemo bo beilweng bakeng sa mohlodi o itseng.
Merokotso bakeng sa ho kgutlisetsa metsi mohloding a le boemong bo amohelehang jwalo ka ka ha a ne a hulwa.
Sebopeho sa ditefiso se tla tlameha ho tjhaelwa monwana ke letona.
Lekgetho ho tswa ditefong le tla sebediswa ho tshehetsa ka ditjhelete mesebetsi ya tsamaiso ya boleng ba metsi e amanang le dikgwerekgwere jwalo ka ho di lekola le ho theola, thuso bakeng sa basebedisi ho ka theola tshwaetso ya dikgwerekgwere le ha basebedisi ba motheong wa molapo bakeng sa ho ka sebetsana le metsi a theohang dibakeng tse hodimo le hlabolla dibaka tseo ho tshollelwang dikgwerekgwere ho sona.
Mokgwa o lohothuweng o ntse o tadimisiswa ka botlalo ke ba nang le seabe ntlheng tsa metsi. Ho lebeletswe hore le tla thehwa ho ya ka karolo ya 56 ya molao ka selemo sa 2006.
Mokgwa ona o tla thehwa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ha hore ha ho phethwe tefiso ha bedi bakeng sa tsamaiso ya dikgwerekgwere le tshebediso ya metsi bakeng sa ho tshehetsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ka ditjhelete (sheba ka tlase)..
Lefapha le ntse le lohotha bohlokwa ba ho ka hlahisa dikarolo tse ding tsa leano la ditheko bakeng sa ho kgeloso ya phallo ya metsi karolo ya 21 le fetola sebopeho sa mohlodi wa metsi karolo ya 21i le tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boithabiso karolo ya 21k. Tlhahiso tse ding le tse ding di tla hatiswa bakeng sa ditshisinyo ho ya ka karolo ya 56?
Ditheko di ka nna tsa fapana ho mosebedisi ka mong, ho ya ka ditjeho le dikuno ho tswa tsamaisong ya ditshebeletso tsa mohlodi wa metsi kapa ho tswa tshebedisong ya sekema se itseng.
Makala a tsamaiso ya metsi a tla hlomamiswa ho sebaka se seng le seng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 19 (sheba karolo ya 5 kgaolong ena). Lekala ka leng le tla matlafatswa ho nka maikarabelo a tsamaiso ya mohlodi, le ho kenyeletswa le ho beha ditheko le ho bokella lekgetho la tshebediso ya metsi sebakeng se o se leng ka tlasa tsamaiso ya sona. Ka lebaka la maemo a setjhaba le moruo, bophelo le dikamano tsa sebaka ka seng dithekong di tla fapana pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi.
Leha ho le jwalo, ho fihlela makala a tsamaiso ya pokelo ya metsi a hlomamiswa, lefapha le tla tswela pele ho lekanya ditjeho le ho bokella lekgetho. Ha makala a se a hlomamisitswe lefapha le tla sebetsa le ona ho beha ditefo. Ditefo bakeng sa mesebetsi tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi tse ikemiseditseng ho fana ka tshehetso ya ditjhelete makaleng, lefapha le tla netefatsa hore lekgetho le arolwa ka tsela e tla fihlellang ditlhoko tsa makala le lefapha ka moo ho kgonahalang. Ka mora hore ditekanyetso di etswe le hore ditshisinyo tsa diphetoho di phetwe mme ditjeho di etswe, dipuisano di tla tshwarwa le ba nka karolo mme ka mora moo ditheko di tsebiswe basebedisi ba metsi pele ho qalo ya selemo sa ditjhelete moo ditheko di tla kenngwang tshebetsong.
Moralo le ho kenngwa tshebetsong ha maano a tsamaiso ya sebaka sa metsi.
Tekolo le hlahlobo ya phumaneho le tshebediso ya mehlodi ya metsi le boleng ba metsi.
Tsamaiso ya boleng ba metsi, ho kenyeletswa tsamaiso dikgwerekgwere le tshilafatso ho tswa merafong, dindaseteri, temo le bodulo bo teteaneng. Ditefo ha dina ho kenyeletsa ditjeho tse amanang le kgulo ya dikgwerekwere kapa ditjeho tsa tlhabollo ya merafo e seng e tlohetswe, ho fihlela mokgwa wa tefo ya tsamaiso ya dikgwerekwere o kenngwa tshebetsong.
Ho boloka metsi le tsamaiso ya ditlhkahalo, ho kenyeletswa le tsamaiso ya lehola, dithuto le tlhahisoleeseding ke lenane la dithuto tsa metsi, le tsamaiso ya dimela tsa metsing, moo ketso tsena di kenyeleditsweng ho leano la tsamaiso ya polokelo. Ditjeho tse amanang le ketso tsa phokotso ya bofuma tse sa thusing ka ho otloloha hlabollong ya phumantshong ya metsi, di ntshitsweditjrhong tsena.
Tsamaiso ya kabo ya metsi le tshebediso ya metsi.
Ditjeho tsa botsamaisi ba metsi bo amana le metsi ohle a sebeditsweng kapa theotseng diketso tsa phallo ya molapo ka hara sebaka sa tsamaiso ya metsi, ho sa kgathalatsehe hore metsi a nkilwe ka kotloloho ho tswa mohloding wa sekema sa mmuso. Ditjeho tsa tefo di ka etswa fela ha bongata ba metsi ao a na le laesense kapa a ngodisitwe.
Ditefo ka disente ho ya ka cubic metre(palo e sebediswang bakeng sa ho lekanya tshebediso ya metsi) di tla lekanngwa ho ya ka lekala ka leng le sebedisang metsi. Bakeng sa ditefo mokgwa ona wa ditefo o tla sebediswa ho tshebediso e ngodisetsweng selemo le selemo. Methamo e beuwe hodima ditshebediso tse telele tsa selemo (kapa phokotso ya metsi a mathang), mona ho netefefatswa phano ya metsi. Ditefo di tla itshetleha hodima ho fumana ditshenyehelo tsa ditjhelete tsamaisong ya methamo kaofela ya metsi a ka nnang a behellwa ka thoko bakeng sa tshebediso sebakeng sa tsamaiso ka nngwe. Hona ho fihlellwa ka ho theosa ditlhoko tsa polokelo, metsi a lokelang ho fihlella ditumelano tsa matjhaba, metsi a hlokwang bakeng sa tshebediso ke dibaka tsa tsamaiso ya phallo e tlase le metsi a mang le a mang a boloketsweng phitiso ho ya ka ditshebetso tse ntjha tsa metsi naheng tsa bohaelane ho tswa mothamong o fumanehang wa metsi a sebaka (sheba karolo ya 2 le Sehlomathiso sa D)?
Hobane ha ho ditlhokeho tsa ho ngodisa tshebediso ya metsi ho latela sehlomathisosa pele, mme tshebediso e jwalo e keke ya lefiswa.
Lekala la mebuso ya lehae le hohela ditefo kaofela tse amanang le tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Ntlha ya bohlokwa: Leano la ditheko bakeng sa tshebediso ya mets ile fana ka bonyane ba ditlhoko tsa mmuso wa selehae tsa selemo tsa metsi a sa hlwekiswang, tse kenyeletsang karolo ya ditlhoko tsa batho tsa metsi a polokelong ho ba sesolo. Haesale leano la ditheko bakeng sa diphetoho tsa tshebediso ya metsi le hlomamiswa, mmuso o ile wa qolla hore phumantsho e lekanang ya karolelano ya matlole e fumantshwe mebuso ya selehae ho ya ka molao wa lekala la lekgetho le hlomamiswang selemo le selemo, ho bebofaletsa baokamedi ba ditshebeletso tsa metsi ho fana ka tshehetso ya ditjhelete bakeng sa phumantsho ya metsi a hlokahalang haholo ya mahala.
Diindasteri, merafo le lekala la matla di tla nka boikarabelo ba ditjeho tse amanang le tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Lekala la temo bakeng sa kgwebo le tla nka boikarabelo ba ditjeho tsohle ka mora hore nako ya ho kenngwa tshetsong e fihle pheletsong.
Ditjeho bakeng sa balemi ba banyenyane ba sebedisang metsi ho tswa sekemeng sa mmuso sa metsi ba tla tshehetswa ka ditjhelete nakong ya dilemo tse hlano ka sekgahla se theolang.
Diketso tsa lekala tsa phokotso ya phallo melapo dihohela ditshenyehelo tsa diketso tsa batsamaisi ba metsi kaofela ka ntle ho tse amanang le tsamaiso ya poloko ya matamo. Moo ditshenyehelo di entsweng bakeng sa ho tlosa lehola ho ya ka maano a tsamaiso ya sebaka sa metsi, di keke tsa ama lekala la meru. Ditjeho bakeng 2002/3 tsa meru di beheltswe ho fihla ho R10.00 hektara e le nngwe mme keketso ya selemo le selemo, ka mora moo di tla ama fela dipehelo tsa bahlahisi. Lafapha le ntse le batlisisa kgonahalo ya ditshehetso tsa nako e kgutswane bakeng sa ba balemi ba banyenyane ba difate.
Dibakeng tsa tsamaiso ya metsi moo ho nang le pehelo thoko e ngata, ho bolelang hore tshebedisano e ngodisitswenng kaofela e feta bongata ba metsi a fumanehang a behelletsweng ka thoko, ditefo bakeng sa lekala ka leng di tla itshetleha hodima tshebediso ya lekala le ingodisitseng.
Basebedisi ba metsi ho tswa dikemang tsa mmuso ba tla lefa ditshenyehelo kaofela tse amanang le sekema le karolo e lekanang e sa ameng ka ho otloloha ha ditshenyehelo tseo e seng tsa sekema tse amang tsamaiso kaofela ya tshebetso ya metsi sebakeng. Karolo ya ditshenyehelo e etswa ho ya ka lekala ka leng, ha e le tabeng ya dikema tse sa sebediswang ka ho phethahala ditshenyehelo tsa tshebetso e kopanetsweng di arolwa ka ho lekana e methamong ya tshebediso.
Lebokoso la 3.4.
Phitiso ya metsi ho tswa sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi ho ya ho se seng e fokotsa boleng ba metsi moo ditefo di ka etswang moo metsi a tswang teng le dinyollelo moo a amohelwang teng. Tse ding tsa ditefo di etswa ho tswa moo metsi a amohelwang teng, di tswa ho makala a unang molemo phitisong ya metsi mme di fitisetswe ho moo a tswang bakeng sa tsamaiso. Lefapha le fihlelltse moralo bakeng sa dipalopalo le phano ya palo tse lokelang. Dipersente tsa ditekanyetso tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ya sebaka se fepelang tse tla lefiswa sebakeng se amohelang metsi di tla fihlellwa ka palo bohareng ya phaello e fitiswang ho ya ho phahello ya lehae la phepelo ya metsi. Ditjhelete tse fitisiswang pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi di tla hlahlojwa ke lefapha.
Dihlophiso tsena di tla etsahala fela ka phitiso ya metsi ya se enjenere (engineering) ho tloha nokeng ya Thukela ho ya phallong ya noka ya Vaal mme e seng ho tseo tse etsahalang ho pakeng tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi tsa Upper le Lower Vaal.
Ditefiso tse itseng di tla ama basebedisi ba metsi ho tswa sekemeng se itseng sa metsi sa mmuso le makala le dikemang tse tsheheditsweng ke tse ding tsa makala a tsamaiso ya metsi jwalo ka makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le mekgatlo ya basebedisi ba metsi ho lefa ditshenyehelo tsa dikema tse jwalo. Ditefo di tla itshetleha hodima methamo ya metsi a sebedisitsweng le diphapang tse sa fetoheng tsa ditefo tse ka nnang tsa kenngwa tshebetsong.
Ho latela metjha e amohelehang ya palo ya ditjhelete, ditefo tsa ntshetsopele ya mohlodi wa metsi dikemang tsa mmuso di tla itshetleha hodima mokgwa wa sekgahla sa dipoelo tsa dithoto ka tumello e entsweng bakeng sa ditheolelo ho boleng ba dithoto. Dipoelo dithotong di tla kgothaletsa ho boloka tjhelete le ho hlabolla tshehetso ya ditjhelete bakeng sa ntshetsopele tse ntjha, ha ditheolelo di tla kgothaletsa hlabollo ya meaho. Ditefo tsa ditjhelete dikemang tsa mmuso di tla kenyeletsa makala a mabedi. La pele ke, ditefo tse hodima dipersente tse 4 tsa dipoelo ho boleng ba lekeno la ditheolelo tsa dithoto le ditefo tse hodima theolelo ta ditheko tsa selemo.
Karolo ya boleng ba ditheolelo ya meaho dikemang tsa mmuso di tla theolwa ho mola o otlolohileng wa bophelo ba ditjeho bo setseng ba dithoto. Peho ya ditefo tsa lekeno la boleng, dikarolo tse ka theolwang le bophelo ba bohlokwa ba dithoto di fihleletswe ka mokgwa wa lenane la dithoto le entsweng ke lefapha ka hlahlobo e felletseng ya dithoto tse tla etswa ka nako e sa feteng selemo.
Karolo e wang boleng ya meaho ya dikema tsa metsi tsa mmuso e tla etswa ho ya ka tsela ya bophelo ba meaho eo. Bakeng sa merero ya ho beha theko ya peleng, ho se ho lekantswe ho phahamiswa ha boleng, ho wa ha boleng ha dikarolo, le phahlo tse molemo, ho entswe ka palo ya diphahlo ke lefapha. Ho hlahlojwa hape ha diphahlo ka tsela ya setekgeniki ho tla etswa nako le nako dilemong tse 10. Hlahlobo hape dikomporong e tla etswa selemo le selemo ka ho sebedisa lenane la ditheko la bahlahisi bakeng sa ho ka fumana boleng ba diphahlo le ho lokisa mane le mane boleng ba ditjhelete. Dikemang tse sebetsang mesebetsi e mengata tsa mmuso ditefo tsa ditjhelete di tla arolelanwa ke makala ho ya ka mokgwa o o metsi a abuweng kateng. Ditefo di ka fapana makaleng a fapaneng ho ya ka botsitso ba phepelo bo hlokahalang kapa nakong eo tlhoko di phahameng.
Ditefiso bakeng sa tshebediso ya tshebetso tsa metsi di tla itshetleha ho ya ka lenane la ditjeho tsa selemo le selemo la ho tsamaisa le ho hlokomela ditshebetso. Basebedisi ba metsi ho tswa dikemang tse itseng tsa mmuso ba tla lefa ditjeho tsohle tse amanang le dikema le karolo e itseng e sa amaneng le dikema ka kotloloho bakeng sa ho tsamaisa tshebediso ya metsi mabatoweng. Karolelano ya ditjeho ke makala e ikgethile, ha ka hlakoreng la dikema tse sa sebetseng haholo ditshebetso tse kopanetsweng di arolwa ho ya ka kabo ya mothamo wa tshebediso.
Ditefo tse beuweng ke lekala la tsamaiso ya sebaka sa metsi le mekgatlo ya basebedisi ba metsi ho latela leano la ditjeho di lokela ho itshetleha hodima tshebetso e lokileng, e amohelehileng ya lakala leo (le filweng matla le baikarabelo ho tsamaisa sebaka sa metsi le, ya mekgatlo ya basebedisi ba metsi, ho latela Molao wa Motheo wa bona). Ditjeho tsena di lokela ho etsa phumantsho bakeng sa ho kgutlisa ditshenyehelo tsohle tse sebedisitsweng tsa ditjhelete (ho kenyeletswa ditshenyehelo tsa dikadimo), theolelo ya dithoto, tsamasiso kaofela, tshebetso le tlhokomelo ya ditshenyehelo ho kenyeletswa le disebediswa tse ding le ditefo kapa dife tse kenngwang tshebetsong ke molao jwalo ka tsamaiso ya mohlodi wa metsi le ditefo tsa Khomishene ya dipatlisiso tsa metsi.
Kopo ya ntshetsopele ya mohlodi wa metsi le ditjeho tsa tshebediso ya metsi le tshebetso tsa metsi.
Lekala la bomasepala le indasteri, morafo le lakala la tsa matla: Ditefo tsa dikema tsa metsi tsa mmuso di tla kenyeletsa di theolelo le dipoelo dithotong, tshebetso le tlhokomelo. Dinyollo tsa selemo tsa lekgetho di tla ama fela lenane le bontshang theko tse fapaneng ho tswa ho bahlahisi le dipersente tse 10 ho fihlela maikemisetso a ho fumana ditshenyehelo a fihleletswe kamora moo dinyollo di tla ama fela ho phahama le ho theoha ha matla a ditjhelete ha fela ho se ho nale matsete a matjha kapa ditshenyehelo tse seng di entswe. Ditshenyehelo tsohle di lokela ho fumanwa ho tswa tshebetsong tsa metsi tse matleng a makala a botsamaisi.
Lekala la ho nosetsa: Ho dikema tsa metsi tsa mmusa tse seng di le tshebetsong bakeng sa borapolasi ba kgwebo, di kenyeletsa ditheolelo le tshebetso e felletseng le tlhokomelo. Ditumellano tsa lekgetho le borapolasi ba kgwebo di fihlile pheletsong mafelong a Hlakubele 2001, kamora moo ditumellano tse ntjha di ile tsa fihlellwa le mokgatlo wa balemi. Theolelo ya ditefo e ile ya hlahiswa mme ya kenngwa tshebetsong ho tloha ka kgwedi ya Mmesa 2001 mme e tla sebetsa ho fihlela ditjeho tsohle tsa ditheolelo, tshebetso le tlhokomelo.
Balemi ba ntseng ba hola: Ditefo tsa tshebetso le tlhokomelo bakeng sa phano ya metsi ho borapolasi ba ntseng ba hola ho tswa dikemang tsa mmuso ba tla tshehetswa ka nako e ntseng e nyenyefatswa nakong ya dilemo tse hlano. Ditheolelo tsa ditefo di tla kenngwa tshebetsong nakong e nngwe e lokelang ho e mong le e mong ho fihlela ditshenyehelo di fumanwe kaofela.
Lekala la phokotso ya phallo ya melopo: Ditefo tsena ha di ame lekala, ntle ho maemo a hlokang ntshetsopele, moo ditefo di tla buisanwang le basebedisi.
Ditefo bakeng sa ho fihlella tekano le tshebediso ya kabo ya metsi.
i Ditefo ho ka ya tsamaiso, thekiso ka phehisano setjhabeng.
Hang hoba ditefo tse ding di kengwe tshebetsong, ditefo tsa moruo di ka nna tsa fihlellwa ka mokgwa wa ho di beha hodima monyetla wa ditshenyehelo tsa metsi, jwalo ka ha ho hlahisitswe ditjehong tse lefilweng tsa metsi bakeng sa metsi tshebedisanong le basebesi.
Dibakeng moo lengolo la tumello le hlokwang ho mang le mang le seng le phethetswe, metsi a mang le amang a salang a kanna a behellwa ka thoko bakeng sa tshebediso ka phehisano ya thekiso ya setjhaba. Melao e potlakisang tekanyo ena e tla kenngwa tshebetsong tsamayong ya nako.
Tshebediso ya kgwebisano ka metsi e kgothaletsa phahamiso ho tloha boleng bo tlase ho ya ho boleng bo hodimo ba tshebediso ya metsi, hape e ka nna ya fedisa tlhokahalo pakeng tsa kopo tsa dipehelo tse fihlelletsweng ka mokgwa wa tsamaiso. Molao o dumella basebedisi ba metsi ho kena kgwebisanong e jwalo ho latela Pholisi e hlahisitsweng ka tlasa karolo ya 25 ya molao (sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena) ho ya ka tlhokomelo ya ditekatekanyo mahareng a ditabatabelo tsa setjhaba le tsa basebedisi ba metsi ba lakatsang ho kgwebisana. Phihlello ya tumello ya tshebediso ya metsi ho ya ka bongata le boleng le netefaletso ya phumantsho, e ka nnang ya hwebisanwa mahareng a makala a tshebediso ya metsi, e ntse shebisiswa ka hloko le ho hlaloswa pele kgwebisano e dumellwa. Melao e tla hlahiswa bakeng sa ho hlwaya mabaka ao kgwebisano e tlang ho dumellwa kateng kamora hore ho phethelwe dilaesense tsa bakeng sa mang le mang . Ha jwale dikopo bakeng sa kgwebisano pakeng tsa makala a basebedisi di tla shejwa ho latela dipehelo tse molaong.
Ho kenngwa tshebetsong ha ditefo bakeng sa fihlella kabo le tshebediso e sa tsamaeng ka leeme ya metsi.
Tefiso ena etla behwa ke letona le ho kenngwa tshebetsong hang fela ha ditlamorao tsa dipehelo tse felletseng tsa ditjhelete tshebedisong ya metsi di se di lekotswe.
Pholisi ya jwale e ere ditefo tsohle tsa metsi a fumanwang ho tswa dikemang tsa metsi tsa mmuso ho balemi ba ntseng ba hola di tla tshehetswa ka ho nyenyefatswa matlole nakong ya dilemo tse hlano le ditheolelo tsa ditefo tse tla kenngwa tshebetsong nakong e ekeditsweng e lokelang lekala ka tebg.
Ditjeho tsa ditshenyehelo bakeng sa kaho kapa hlabollo ya tshebetso tsa metsi tsa kopanelo di fumantshwa balemi ba ntseng ba hola ba o e leng maloko a mokgatlo wa basebedisi ba metsi. Ha jwale ditshehetso di fihlella fela R10 000.00 hektara ka nngwe, R50 000 motho ka mong kapa karolo ya motho ya ditshenyehelo ya sekema ha e ba e le tlase ho R50 000.
Ditshehetso tsa ditshebetso di fumantshwa mekgatlo ya basebedisi ba metsi e nkang boikarabelo ba ditshebetso le tlhokomelo ya dikema tsa metsi tsa mmuso.
Ditshehetso bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha lekgetho ho balemi ba ntseng ba hola nakong ya dilemo tse hlano.
Dipholisi tsena ha jwale di ntse di le tlasa tekolo ke mafapha a fapaneng.
Dintlha tsa kgaolo ya 3.
Ho fihlela makala a ikemetseng a nka boikarabelo ba ditefo tsena, lefapha le tla tswelapele ho etsa ditekanyetso le pokello ya lekgetho ka mokgwa o karolong ya tsamaiso e kopaneng ya dibaka tsa metsi ya akhaonto (account) ya dithekisetsano tsa metsi e etseditsweng mosebetsi ona?
Molemi ya ntseng a hola ke e mong wa dihlopha tsa batho ba neng a tinngwe menyetla nako e fetileng mme o nkwa jwalo ka motho ya hlokang disebediswa. Ha hona mokgwa oo ho dumellanwang ka ona wa ho hlalosa motho ya hlokang, empa e ka kenyeletsa ntho tse kang lekeno kaofela la lelapa le dithoto, le ho nka karolo ho arolelaneng ha lefatshe le mekgewa e meng ya ditokiso.
Ho theoha ha ditheko tsa lekeno ho tswa phitisong ha e lekane le lekeno sebakeng se amohelang mme ha a lekane le bongata ba methamo a fitisitsweng: sheba lebokoso la 2.5 bakeng sa tlholoso ya hore hobaneng hona ho le jwalo.
Ho fihlela tsamaiso ya dithoto e fetisetswa makaleng a mang, lefapha le tla tswela pele ho etsa ditekanyetso le ho bokella lekeno ka ho sebedisa marangrang a hokahantsweng le phepelo ya metsi a mangata a karolo ya akhaonto ya kgwebisano ka metsi e etseditsweng mosebetsi ona?
Ho dikema tsa mmuso, karolo ya ditefo tse amanang le dipoelo tsa dithoto e tla ama fela bomasepala le diindasteri, merafo le lekala la matla hoba ke ona makala a o dithloko tsa metsi ho tswa dikemang tsa mmuso e lebeletswe ho nyoloha. Kgolo ya ditlhoko makaleng ana nakong e fetileng e bontsha sekgahla sa dipoelo sa dipersente tse 4 ho weng ha boleng ba meaho ya metsi ho tla kgonang ho kenya tjhelete.
Dipehelo tse amanang le makala a tsamaiso di fumanwa ho dibaka tse itseng tsa molao wa metsi wa naha, ka mokgwa o latelang?
Matla le mesebetsi ka kakaretso ya letona le molaodi kakaretso?
Makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi?
Mekgatlo ya basebedisi ba metsi?
Dikomiti tsa boeletsi?
Tsamaiso ya metsi a matjhaba?
Moralo wa makala ea nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi, ka ha o kgona ho lekanya tshebetso ya Pholisi. Makala a lefapha ke a bohlokwa hobane ke ona ao ho tsepamiswang mabaka a molao wa naha wa metsi bakeng sa ho buisana le basebedisi ba metsi le batho ba nang le kgahleho pele ho kenngwa tshebetsong diPholisi tse amanang le tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho (sheba karolo ya 4).
E nngwe ya ditabatabelo tsa molao (Act) ke ho phahlalatsa boikarabelo le matla bakeng sa tsamaiso ya mohlodi wa metsi dibakeng le makalang a selehae a lokelang, e le hore ho tle ho, hara tse ding, fanwe ka monyetla ho basebedisi ba metsi le ba nka karolo ba bang hore ba kenye letsoho kapa ho etsa ditshisinyo tse tla thusa tsamaisong ya mohlodi wa metsi. A mang a makala a na tla lokelwa ho thehwa, ha makala a seng a le teng - ho kenyeletswa le mafapha a tla lokelwa ho fetolwa ho bontsha boikarabelo bo botjha kapa bo fetotsweng ho latela mokgwa o motjha o hlahellang molaong?
Bohlokwa ba ho theha le ho ntshetsapele moralo wa makala o hlahisitswe ditokomaneng tse ngata tse thehilweng ho hlalosa tlhohlamiso le tshebetso ya makala a tsamaiso ya metsi.
Molao o fana ka phethoho e phethahetseng ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi. Ditlhokeho bakeng sa phethoho, haholoholo bakeng sa phano ya ditshebeletso le boemedi, e ama makala ohle a tsamaiso ya metsi a seng a le teng, nakong ena makala a matjha a lokelwa ke ho hlomamiswa ka sona sepheo sena. Molao o hloka hore, karolong ya 2, makala ohle a tsamaiso a be le kemedi ya baahi, morabe le bong bo lokelang, lefapha le lona le tla etsa bonnete ba hore tlhokeho ena e atoloswe ho kenyeletsa batho ba sa itekanelang. Ho feta mona, ho latela dipehelo tsa diPholisi le melao e amohetsweng ke bohle, makala ohle a tsamaiso a lokelwa ke ho ikobela metjha e amohelehileng ya ho hira, mosebetsi, ho fana ka konteraka (kgwebo) tsamaiso le diketso le mokgwa wa tsamaiso ya ditjhelete.
Letona la ditaba tsa metsi le meru, jwalo ka moemedi wa setjhaba wa mohlodi wa metsi sebakeng sa mmuso o nale boikarabello bo feletseng dintlheng tsohle tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi Afrika Borwa. Makala ohle a tsamaiso a wela ka tlasa matla a letona.
Ka baka la mabaka a itseng, molao o fana ka tokelo ho letona ho fetisetsa matla le mosebetsi wa hae ho basebeletsi ba bang ba lefapha kapa ba tsamaisang kantoroi le makala a tsamaiso ya metsi ha a ntse a aha bokgoni ba ho etsa mosebetsi, dikomiti tsa boeletsi le diboto tsa metsi. Tse ding tse nne tsa boikarabelo ba letona di ka nna tsa se fetiswe. Letona le ka nna la fetisa matla a lona le mosebetsi ho tsamaiso ya makala a ikemetseng sebaka sa metsi.
Le ha ho le jwalo, letona le tla ba le boikarabelo bakeng sa?
Ho lekola sehlopha sa mohldi wa metsi ho latela mokgwa wa tlhophiso o hlalositsweng le ho lekola poloko ho latela sehlopha.
Ho hlakisa ditlhoko tsa metsi bakeng sa ditokelo le ditumellano tsa matjhaba.
Ho hlakisa leano la potlako ho fihlella dithloko tsa metsi tse seng di beuwe bakeng sa nako e tlang.
Ho fana ka matla bakeng sa ho tsamaisa metsi mahareng a dibaka tsa tsamaiso ya metsi.
Ho fana ka matla a tshebediso ya metsi mabakeng a bohlokwa.
Boikarabelo ntlheng tse nne tse qalang tse ka hodimo bo amana le matla a letona, ho ya ka karolo ya 23, ho lekanya bongata ba metsi bo tlamehileng ho ntshwa ka laesense ya tshebediso ya metsi sebakeng sa tsamaiso ya metsi. Sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena bakeng sa tlhalosetso ya tshebediso ka metsi a bohlokwa.
Nakong ena lefapha le na le boikarabelo ba tsamaiso ya dintlha tsohle tsa molao (Act) sebakeng sa letona. Lefapha le na le boikarabelo bakeng sa ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha maano le diPholisi tsa ka hare ho lefapha, meralo le metjha, le disebediswa tsohle tsa tsamaiso tse amanang le molao. Hape lefapha le na le boikarabelo bakeng sa moralo, tlhahiso, tshebetso le tlhokomelo ya meaho le ntho tsohle tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi tseo e leng tsa mmuso, le ho lekola diketso tsohle tsa makala a tsamaiso ya metsi.
Karolo ya lefapha, le ha ho le jwalo, e tla fetoha ha nako e ntse e tsamaya, ha makala a tsamaiso ya metsi a setsi le lehae a se a hlomamisitswe mme boikarabelo le matla a tsamaiso ya metsi di fetisiditswe ho oona. Karolo e tla sala ya lefapha ke fela ho fana ka Pholisi ya setjhaba le sebopeho sa tsamaiso tse tla sebediswa ka ho otloloha ke makala a mang bakeng sa ho tsamaisa mohlodi wa metsi, le ho shebana le diketso tse fapaneng le tshebetso ya makala ana. Lefapha le tla tswelapele ho tsamaisa dikamano tsa Afrika Borwa tsa matjhaba le diketso mesebetsi ya metsi, le ha fela tse ding tsa dintlha tsena ho ntse ho sebetsanwa le tsona ho tswa makalang a tsamaiso a dinaheng tsa boahisane.
Sebopeho sa lefapha sa tsamaiso se tla tswelapele ho fetoha ho latela karolo e ntjha le tshebetso ka tlasa molao (Act), le ho potlakisa ntshetsopele ya hlaloso e phethahetseng ya dikamano le makala a mang a tsamaiso ya metsi. Metjha le mekgwa e latelang e tataisa tsamaiso ya diphetoho?
Lefapha le tla lokisa karolo ya lona tsamaisong ya mehlodi ya metsi, le sheba fela ditaba tsa Pholisi le maano, ho hlokomela ho ikamahanya le melao, le tshehetso makala a tsamaiso, ho hokahanya le ho hlahloba. Dikantoro tsa lona tsa mabatowa di ntse di na le boikarabelo phumantshong e otlolohileng ya ditshebeletso mme diphetoho tsa tsona ke taba ya bohlokwa.
Lefapha le ka nna la ikgula ho nkeng karolo e otlolohileng ntshetsopeleng, tshehetsong ya ditjhelete, ditshebetsong, le tlhokomelong ya meaho ya metsi hobane hona hole kgahlanong le karolo ya ho sebetsa ka molao. Hlakoreng le leng, ha lefapha le tswelapele ka karolo ya ntshetsopele, karolo ena e tla arohanngwa le mosebetsi wa lefapha wa diketso tsa Pholisi le melao. Ntlha ya hore makala a tsamaiso a be le boikarabelo ba ntshetsopele ya meaho le ditshebetso e ntse e le tlasa dipuisano, mme e ngotswe ka tlase ho mona.
Lefapha le tla fetisetsa boikarabelo ba ditshebetso le tlhokomelo ya e meng ya meaho ho makala a tsamaiso ya metsi le ya tsamaiso a ditshebeletso tsa metsi empa makala ikemetseng a sebaka sa metsi a ka nka boikarabelo bona ha fela karolo ya bona ya molao e keke ya sitiswa.
Hlomamiso, ho eketsa matla a tshebetso, le matlafatso ya makala a ikemetseng a tsamaiso ya sebaka sa metsi bakeng sa dibaka tsohle tsa tsamiso ya metsi di tlamehile ho potlakiswa. Nakong ya diphetoho eo lekala le ikemetseng le kantoro ya lebatowa e amehang di na le boikarabalo ba kopanelo bakeng sa tsamaiso ya mohlodi wa metsi mme di lokelwa ke ho tsamaiswa ka hloko ho theola dipelaelo. Hang fela ha boto ya tsamaiso e hlomamisitswe, dilemo tse hlano ha di a tlameha ho feta ho fihlela lekala le ikemetseng le kgona ho nka mosebetsi wa bookamedi bo nang le maikarabelo (sheba ka tlase). Le ha ho le jwalo, sekgahla sa tshebetso se lokela ho ela hloko ditshita tsa ditjhelete le basebetsi, thlokahalo ya motjha wa tshebetso moo batho bohle ba nang le thahasello ho ka nka karolo le nako e hlokahalang bakeng sa ho aha bokgoni ba makala a ikemetseng.
Sebopeho se setjha sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ka hara a lefapha se ile sa phethelwa maqalong a 2003 mme dintlha ka botlalo di ile tsa phahlalatswa. Sekala sa nako bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha sebopeho se setjha sa tsamaiso se tla hokahangwa le mekgwa e amanang ya tshebetso ya ho hlomamisa le ho ntlafatsa tsamaiso e ikemetseng yasebaka sa metsi.
Karolo ya 1 (xxvi) ya molao e hlalosa makala a tsamaiso ya metsi e le makala a ikemetseng a tsamaiso ya metsi, mokgatlo wa basebedisi ba metsi, lekala le nang le boikarabelo ba tsamaiso ya metsi ya matjhaba, kapa motho ofe kapa ofe ya fihlelletseng ditlhoko tsa makala a tsamaiso ya metsi ho ya ka molao (Act).
Matla le mosebetsi wa makala a tsamaiso ya metsi a amana le tsamaiso ya mohlodi wa metsi ka bophara. Hape molao o hlalosa bookamedi bo nang le boikarabelo, boo mosebetsi wa ona o amanang ka ho toba le tshebediso ya metsi karolo ya 1 xx haholoholo tumellong ya tshebediso ya metsi ka tummello ho bohle kapa lengolo la tumello. Dipehelo tsa molao mabapi le tumello ya shebediso ya metsi di hlalosa hore letona ke lona fela kapa lekala le ikemetseng la tsamaiso ya metsi moo matla le mosebetsi o lokelang, di fuwe bona ho ka fana ka tokelo ya tshebediso ya metsi. Makala a mang a tsamaiso ya metsi ha ana tokelo ya ho fana ka matla a tshebediso ya metsi.
Le ha ho le jwalo, ho na le ditekanyetso ho lekaleng la tsamaiso ya sebaka sa metsi tsa matla a ho fana ka tokelo ya tshebediso ya metsi. Letona lena le boikarabelo ba ho fana ka tokelo bakeng sa tshebediso e itseng boemong ba setjhaba (sheba 3.5.2.1ka hodimo), hape lekala la tsamaiso ya poloko ha le a dumellwa ho fana ka lengolo la tumello ntle le tumello ya letona. (Karolo ya 27).
Ka mora dipuisano naheng ka bophara, dibaka tse 19 tsa tsamaiso ya metsi tse nammeng naheng kaofela di ile tsa hlomamiswa ka Mphalane 1999 ke tsebiso ya mmuso ya nomoro ya 1160. Meedi ya dibaka tsa tsamaiso ya metsi (ho bolelwa ka dibaka tseo di sa hlaloswang ke meedi ya matjhaba kapa mabopong a Afrika Borwa) di pakeng tsa dibaka tsa metsi a hodima mobu tse hlahisitsweng ho 3.5.1 (figure 3.5.1).
Palo ya dibaka tsa tsamaiso ya metsi le moo meedi ya tsona e leng teng e entswe ke mabaka a latelang?
Tshebetso e ntle ka makala ka ho theha palo e kgolo ya dibaka tse ikemetseng tsa tsamaiso ya metsi moo se seng le se seng se laolang sebaka se se nyane kgahlanong le palo e nyane ya dibaka tse ikemetseng tsa tsa tsamaiso ya metsi moo di laolang dibaka tse kgolo.
Bokgoni ba sebaka se ikemetseng sa tsamaiso ya metsi ho ka kgona ho laola ditjhelete tsa tsona hantle ho tswa ditefong tsa tshebediso ya metsi.
Mekgwa ya ho hlabolla setjhaba.
Phahlalatso ya meaho ya mehlodi ya metsi metsi.
Meedi ya dibaka tsa tsamaiso ya metsi e hlalositswe ho sehlomathiso sa E. Ke ntlha ya bohlokwa ho qolla hore meedi, ntlheng ya pele, ha e thulane le meedi ya tsamaiso e hlalosang dibaka tseo bookamedi ba di provense le lehae di nang le matla ho tsona. Tabeng ya bobedi, meedi ha ea bewa bakeng sa nako e telele hobane e ka nna ya fetoha ha ho hlokahala ha tsebo le kutlwisiso ya botsamaisi ka ditaba le tsamaiso ya metsi e ntse e hola ho fihlella tshebetso e potlakileng le e bolokehileng. Tsebo ya tshebetso le puisano le basebedisi ba metsi le ba nka karolo ba bang ho tloha ha meedi ya tsamaiso ya metsi e thehwa ka 1999,e bontshitse diphetoho tse nyenyane tsa meedi tse bolokilweng maseding a mmuso di tla ba le kuno kakaretso ho tsamaiso ya mehlodi wa metsi le bakeng sa ho tsebisa tefo ya tshebediso ya metsia. Diphetoho di lokisa mathata moo, ho etsa mohlala, sebaka se ka tlasa mokgatlo wa basebedisi ba metsi, metsi a ka tlasa lefatshe kapa polasi ka nngwe e wela dibakeng tse pedi tsa tsamaiso ya metsi, le moo kantle ho diphetoho, ditefo di neng di tla lokelwa ho dibakeng tse pedi tsa tsamaiso ya metsi. Diphetoho tse tla hlomamiswa ha NWRS e se e entswe ha di ya hlaka ho tswa setshwantshong empa di hlalositswe ka botlalo ho sehlomathiso sa E?
Setshwantsho sa 3.5.
Makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi ke mekgatlo ya molao e tla hlomamiswa ke tsebiso ya mmuso. A tla ba le matla dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse hlalositsweng, mme di tla tsamaisa mohlodi wa metsi le ho hokahanya diketso tse amanang le metsi tsa basebedisi ba metsi le makala a tsamaiso ya metsi dibakeng tsa ona tseo a nang le matla ho tsona. Lekala le tla qala ho sebetsa hang fela hoba diboto tsa tsamaiso di se dikgethilwe ke letona (sheba le komiti ya dikeletso ka tlase), ho tloha moo le tla ba le boikarabelo ba ditshebetso tse qalang tse hlalositsweng karolong ya 80 ya molao, ho kenyeletswa le ditshebetso tse ding tse fetiseditsewng ho tsona. Diboto tsa tsamaiso di lokela ho emela ditabatabelo tsohle tsa dibaka tsa tsamaiso ya metsi hape di lokella hoba le boemedi bo lokelang ba metse, morabe le bong.
Tshebetso tse qalang tsa makala ke boikarabelo ba bohlokwa ba ho qala leano la tsamaiso ya dibaka tsa metsi. Leano le se nang ho ba kgahlano le Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi mme le lokela ho fihlella dipehelo le ditlhoko, le fane ka motjha wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi wa sebaka, ka ho qolla, le lokela ho etsa mokgwa oo ka ona metsi a teng a tla behellwang ka thoko bakeng sa dihlopha tse phehisang tsa basebedisi.
Ditshebetso tsa tlatsetso di ka nna tsa fetisetswa lekaleng le theilweng ho ya ka leano le hlalositsweng tshisinyong ya hlomamiso (sheba ka tlase), di tla fana ka ditlhokeho bakeng sa ho qala tshebetso ya tlatsetso. Ka mora hoba le hlomamiswe, lekala le ka nna la fumantshwa matla a mang kamora dipuisano le letona, ya tlamehang ho ikgotsofatsa hore lekala le entse keketso ya tshebetso e hlokahalang bakeng sa ho etsa ditshebetso tse ekeditsweng.
Ho fetisetswa ha mosebetsi le boikarabelo ho tla kenyeletsa boikarabelo ba ditjhelete le tsamaiso ya ho beha le ho lata ditjeho tsa tshebediso ya metsi, ditshebetso tsa tsamaiso ya metsi tsa setegeniki tse itshetlehileng hodima ntlha tse qollotsweng leanong la tsamaiso la poloko, le ditshebetso tsa bookamedi tse nang le boikarabelo ho faneng ka matla a tshebediso ya metsi. Peho ya nako ya ho fetisa tshebetso e itshetlehle hodima bokgoni ba lekala ho etsa mosebetsi.
Lekala le ka nna la, ka tumello ya letona e ngotsweng, nehelana ka matla lekaleng le itseng la molaoao, empa ha le a dumellwa ho neha mokgatlo matla a o fana ka matla ho ya pele, le matla a ho fana ka tumello ya ho sebedisa metsi e ka fetisetswa fela ho komiti e hlomamisitsweng ke boto ya mmuso moo bonyane ba maloko a mararo aleng teng.
Tsamaiso ya metsi e fapana ho ya ka dibaka, le ditlhoko di a fapana bakeng sa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, le molao o fa diboto marapo mekgweng eo e e sebedisang ho etsa mosebetsi wa yona, ho tea mohlala?
Boto e ka nna ya kgetha mookamedi ya lokelang le basebetsi ba tla motshehetsa. E ka nna ya kgetha ho nehelana ka mosebetsi ho batho ba bangata bakeng sa ho pheta mosebetsi wa yona ka hara meaho kapa ba banyenyane mme e sebedisa ba nako e itseng (borakonteraka) bakeng sa ho etsa mesebetsi e meng.
Boto e ka nna ya theha dikomiti, tseo e ka fetisetsang matla le mesebetsi, ho etsa mesebetsi ya yona ya tsamaiso ya metsi ya dibaka kapa dibakeng tse nyenyane.
Lekala le ka nna la hira konteraka ya lekala la tsamaiso ya poloko ho etsa mesebetsi e meng ya yona, sena se ka etswa fela ha konteraka ya lekala e nale bokgoni ba ho fana ka tshebeletso sebakeng seo ntle le tshitiso bokgoning ba yona ba ho nka boikarabelo dibakeng tsa yona. Le ho le jwalo, tlhophiso ya mofuta ona ha e ya tshwanela ho etsa hore e behe ka mosing makala a mang a tsamaiso ya metsi.
Dibakeng tseo ho tsona makala a eso hlomamiswe kapa moo a e so kene tshebetsong ka ho phetahala, matla ohle le mosebetsi di hodima letona mme lefapha le tla etsa mesebetsi kaofela ya makala sebakeng sa letona (karolo ya 72).
Makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi di ka hlohlomiswa ke letona kapa ka lebaka la tshisinyo e isitsweng le ho amohelwa ke letona ke bao ba lakatsang ho theha lekala. Tshisinyo e lokela hoba le, hara masedi a mang, dintlha ka botlalo tsa moedi moo lekala le sisintsweng le tla sebetsa teng, lesedi ka mohlodi wa metsi le meaho e teng sebakeng seo le tsela tseo di tla tsamaiswa ka yona. Leha ho le jwalo, maikemisetso a letona a ho theha makala a 19 a ile a hlahiswa ha dibaka tsa tsamaiso ya metsi di ne di thehwa. (Hlahlobo ya maemo a metsi e hlalositsweng kgaolong ya 2 sehlomathisong sa ya D e kentswe tshebetsong ho itshetlehilwe hodima moedi). Ho latela sena, lefapha le tla etella pele theho ya motjha ona, ka nako tse ding le be le tshehetse ka ditjhelete. Le ha ho le jwalo, mekgwa ena ya ho sebetsa e tla kenyeletsa ho iswa ha ditshisinyo ho letona, tse tla lokiswa ka mokgwa wa puisano le setjhaba tse tla kenyeletsa lekala la basebedisi ba metsi le ba nka karolo?
Ho nka karolo ha setjhaba ke hwa bohlokwa hobane ho thusa ka ho theheng boikemelo le kamohelo ya makala a tsamaiso, ho thusa diboto tsa boeletsi ho etsa dikgetho tsa batho ho letona bakeng sa diboto tsa tsamaiso ka ho qolla baemedi ba dihlopha tsa ba nka karolo, mme ba ahe motheo bakeng sa lekala (agency) ho ntshetsapele ho kenyeng letsoho ha setjhaba tsamaisong ya mohlodi wa metsi. Ho latela hona, boholo bo o ba nka karolo ba bileng le bona ho etseng ditshisinyo bakeng sa ho thehwa ha lekala, ke e nngwe ya mokgwa wa bohlokwa o o letona le tla o sebedisang ho nka qetoidiphihlellong tsa ditshisinyo.
Ho kenya letsoho ha ba nka karolo ho ka qalwa ka ho phatlalatsa lesedi le tla eketsa tsebo. Ho thehwa ha lekgotla la baemedi ho tla thusa ka ho aha ho atlehileng le ho tshepana ha dikamano mahareng a batsamaisi ba metsi le setjhaba, ka maikutlo a tshwanang le ka kutlwisiso mosebetsi le tshebetso ya lekala le tla thehwa. Dikamano di ka nna tsa ntlafatswa ka ho mema makgotla ho potlakisa ntshetsopele ya ditshisinyo ho ya ho letona ka, ho tea mohlala, ho thusa ho bokanyetsa lesedi le hlokahalang la mohlodi wa metsi le ho nka karolo dipatlisisong ho fihlella bokgoni ba ditjhelete ba lekala. Thuto ena e kenyeletsa tekolo ya ditshebetso tse tla etswa ke lekala le palo e hlokahalang ya basebeletsi ho o etsa, ho tswa moo tshebetso ya lekala le ditjeho tsa basebetsi di tla tsejwang kateng. Papisong ya ditshenyehelo tsena le lekeno le tswang tsamaisong ya mohlodi wa metsi, di fihlelwe ho ya ka leano la dipehelo (sheba karolo ya 4 kgaolong ena), di etse hore kgonahalo ya lekala ya ho itshehetsa ka ditjhelete e fihlelwe.
Tumello ya letona ya ditshisinyo e tla thusa ka ho fana ka tsela ya ho kgetha diboto tsa tsamaiso le hore tsona di kgethe sebopeho sa basebetsi se hlokahalang.
Lefapha le tla fana ka tshehetso ho makala qalong ya ntshetsopele ya ona le ho thehweng ho phethahetseng ha ona. Nakwaneng e mahareng ya ho theha makala le ntlafatso ya ona, jwalo ka boemedi bo nang le boikarabelo, lefapha le makala a tla sebedisana mmoho. Ditshebetso di tla fetofetoha ha matla le ditshebetso di fetiseditswe makaleng mme ho tla ba bohlokwa hore matla le ditshebetso di hlaloswe ka ho phethahala nakong eo ho phetiso ya matla e etswang ka yona.
Mekgatlo ya basebedisi ba metsi e hlalositswe molaong e le makala a tsamaiso ya metsi empa boholo ba ditabatabelo le tikoloho ya ona e nyenyefaditswe ho feta makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi. Hantle-ntle, ke mekgatlo ya tshebedisano mmoho ya mosebedisi wa metsi ka mong ya lakatsang ho nka karolo tshebetsong tse amanang le metsi boemong ba selehae bakeng sa kuno ya bohle, hape ba sebetsa ho ya ka Molao wa Motheo o beiweng le le tataiso ke lefapha. Mekgatlo e lebeletswe hore e itshehetse ho tswa lekenong le tswang ditjehong tsa tshebediso ya metsi tse fihleletsweng le ho beuwa ho ya ka leano la dipehelo tse lefiwang ke maloko.
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi o wela tlasa botsamaisi ba poloko eo sebaka seo bo nang le matla ho sona bo sebetsa ho fihlela lekala le fumane matla ho tswa ho letona ho laola tshebetso tsa mokgatlo, mokgatlo o ka nna wa fumantshwa matla a fitisitsweng ho tswa ho, kapa o fiwe konteraka ke, lekala la botsamaisi ba poloko ho etsa mosebetsi o lekaneng bokgoni ba mokgatlo. Boholo ba Molao wa Motheo wa mokgatlo bo tlamehile, ha fela ho hlokahala, ho fetolwa ho bontsha tshebetso e fetisitsweng kapa ya konteraka.
Diboto tsa nosetso tse teng, diboto tse laolang metsi a ka tlasa mobu le diboto tsa metsi tse thehilweng bakeng sa ho nosetsa, bakeng sa mehlape ho ya ka molao wa metsi wa 1956, di lokelwa ho fetolwa ho ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi kapa di fediswe hoya ka molao o o di entsweng tlasa ona. Tshsisinyo e teng ya ho fetola lekala le teng la metsi ho ba mokgatlo wa basebedisi ba metsi, le tla thehwa ka dipuisano le batho le mekgatlo e ka nnang ya ameha, e tlamehile ho fetisetswa ho letona. Tshisinyo e lokelwa ho kenyeletsa, hara tse ding, lesedi ka tshebetso tse sisintsweng le sebaka moo di tla etsahala teng, tshisinyo ya Molao wa Motheo, le dintlha ka botlalo ka maloko a tshisintsweng a mokgatlo. Mekgatlo e ka bang 300 e seng e le teng e tla fetolwa hoba mekgatlo ya basebedisi ba metsi, mme maikemisetso ke ho phethela hona mafelong a 2006. Ka nako tse ding maikarabelo a botsamaisi bo tla eketswa ho kenyeletsa tshebediso kaofela ya metsi tla qetella ele makala a fapaneng a mekgatlo ya basebedisi ba metsi.
Mekgatlo e metjha ya basebedisi ba metsi e ka thehwa bakeng sa, ho etsa mohlala, tshebediso ya metsi bakeng sa boithabiso. Tsamaiso ya selehae ya mekgatlo ya basebedisi ba metsi e ka nna ya sebetsa dibakeng tse itshetlehileng haholo metsing a mobung, haholo moo meaho e leng ya bohlokwa. Le ha ho le jwalo, ho lebeletswe hore bongata ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi bo tla tswela pele ho sebedisa metsi bakeng sa temo. Lefapha le tla fana ka tshehetso ho thehweng ha mekgatlo e metjha le matlafatsong ya balemi ba ntseng ba hola lekaleng lena, le tla ba dumella ho fumana ditshehetso ho ya ka leano la dipehelo.
Mekgatlo e metjha e ka nna ya thehwa ke letona kapa, ke batho ba nang le thasello ya ho theha mekgatlo. Tshisinyo bakeng sa ho theha mokgatlo e lokela ho tshwana ka sebopeho le phetolo ya tsamaiso ya diboto tsa nosetso tseo ho builweng ka tsona hodimo. Tseleng e nngwe le e nngwe e ka nkwang, letona le lokela ho etsa bonnete ba hore motjha (sheba kgaolo ya 4) wa ho buisana le setjhaba o latetswe. Lefapha le tla fana ka tshehetso e ikgethileng le potlakiso moo mekgatlo e metjha e seng e thehilwe bakeng sa dihlopha tsa batho ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng.
Molao o fa letona matla a ho theha dikomiti tsa boeletsi bakeng sa mesebetsi e fapaneng. Leha mosebetsi moholo e le ho eletsa dikomiti tsena di ka nna tsa sebedisa matla a fetiseditsweng ho tsona ke letona. Dikomiti tsa boeletsi di ikarabela ho letona, ya ka nna a etsa melao bakeng sa ntlha tseo di tla sebetsana le tsona, maloko, matla, mesebetsi le tshebetso.
Lekgotla la setjhaba la boeletsi tsa metsi (National Water Advisory Council), kometi ya polokeho ya matamo le komiti efe kapa efe e thehilweng tlasa karolo ya 68 ya molao wa metsi wa 1956 di nkuwe jwalo ka dikomiti tsa boeletsi ho ya ka molao.
Leha boholong ba nako ho thehwa ha dikomiti tsa dikeletso ho le thatong ya letona, molao o hatella letona ho theha dikomiti tsa boeletsi ho etsa ditshisinyo ka sebopeho sa diboto tsa lekala la tsamaiso ya sebaka sa metsi. Komiti ya boeletsi e lokela ho buisana ka botlalo ka moo e kgonang le sebaka sa tsamaiso ya metsi ho etsa bonnete ba hore kgetho ya yona e emela dthahasello tsa bohle ba amehang. Letona le lokela hoba le lebaka le letle la ho se kgethe maloko a qollotsweng ke komiti ya boeletsi, empa letona le ka nna la kgetha maloko a tlatsetso ho netefatsa kemedi e felletseng le boteng ba botsebi bo lekaneng botong hore e tle e tsebe ho phetha mosebetsi wa yona.
Ha hona pehelo e hlakileng Pholising ya setjhaba ya metsi kapa molao ya ho theha diforamo bakeng sa tsamaiso ya mohlodi ya metsi. Le ha ho le jwalo, tsebong ya lefapha, mekgatlo e jwalo e sebetsang ka ntle le ho lefiwa e bonwa e le ya bohlokwa qalong ya ho thehwa ha makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, le ho lokiseng mathata a tsamaiso ya metsi a selehae. Di fana ka metjha bakeng sa ho buisana le setjhaba le ho kopanya ditshebetso tse amanang le metsi ya mekgatlo eo e seng ya mmuso le ya metseng. Le ha ho le jwalo, ho na le tlhokahalo ya hore ho thehwe metjha ya kgokahanyo sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi ho netefatsa hore ho na le tlhakiso ya tshebetso diforamong tse fapaneng le hore ntlha tse amang mahae di tlalehwa ka pele lekaleng la tsamaiso ya sebaka sa metsi. Ho kenya letsoho ha baahi ditabeng tsa metsi ho lokelwa ke ho potlakiswa.
Nakong e fetileng, diforamo di kentse letsoho haholo tsamaisong ya mohlodi wa metsi boemong ba selehae ka, ho tse ding, ho fana ka tsebo ya bohlokwa ya selehae, bohlalefi le lesedi. Tabeng ena, a ka nna a lebellwa ho bapala karolo ya bohlokwa tshebetsong ya makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi. Mohlala wa karolo ena o se o le teng ho makgotla a makala a fapaneng a seng a le teng a thehilweng diprovenseng tse nne moo ho nang le tjalo e kgolo ya difate morung bakeng sa kgwebo ho lekola dikopo bakeng sa ho theha tjalo ya kgwebo. Lefapha le tla tswela pele ho tshehetsa diforamo tse seng di le teng le ho kgothaletsa ho thehwa ha tse ding tse ntjha moo ho hlokahalang teng.
Lefapha le thehile, hape ke monga thepa, le laola le ho hlokomela palo e itseng ya dikema tse kentseng matamo le meaho e tshwanang le diteishene tsa ho pompa metsi, dipeipi, ditonoro (tunnels) le dikanale. Dikema di fapana haholo ka boholo. Moaho o nale boleng ba (hlakubele 2001) R38 000 million lena le basebetsi ba 2 500 tsamaisong ya lona?
Lefapha le thehile le ho hlokomela sebopeho se seholo sa botsebi le bokgoni ba ho aha, boo e leng ba bohlokwa ha ho shebilwe tlhokeho e kgolo ya ditsebi bakeng sa tshebetso enang le bonyane ba disebediswa tse fapaneng.
Boikarabelo ba ho sebetsa le ho hlokomela dikema tseo e leng tsa bohlokwa mahaeng, haholo tse sebetsang le mokgatlo o le mong wa basebedisi, jwalo ka temo kapa masepala a le mong, di ntse di fetisetswa ho mekgatlo e lokelang ya basebedisi ba metsi le makala a ditshebeletso tsa metsi. Ho ya ka tumellano le polokelo ya ditjhelete tsa naha, dikema di ka nna tsa fetisetswa tlasa tsamaiso ya makala a tsamaiso a sebetsang.
Le ha ho le jwalo, sena e keke ya ba bothata ho dikema tseo e leng tsa bohlokwa hobane di fetisa metsi ka ho haola meedi ya matjhaba kapa dibaka tsa tsamaiso ya metsi, di fana ka tshebeletso makaleng a fapaneng a basebedisi ba metsi kapa dibakeng tsa tikoloho e kgolo, e kenyeletsang dipoloko tse seng kae tsa tse kopakopaneng, kapa ho fana ka tshebeletso ya bohlokwa, kapa fehlo ya motlakase bakeng sa dikgokahanyo boemong ba naha, mehlala e fumanwa ho marangrang a maholo jwalo ka marangrang a dinoka tsa Vaal, Umgeni, Amatole, Rviersonderend-Berg, le dikema tse kgolo tsa phitiso ya metsi jwalo ka Thukela-Vaal le Orange-Fish, le matamo a maholo jwalo ka Gariep le Van der Kloof. Dikema tsena di ngodisitswe e le meaho ya mehlodi ya metsi ya setjhaba. Ka puisano le ba nka karolo ba bang, lefapha la polokelo ya ditjhelete la naha, Khomishene ya ditshebeletso tsa setjhaba le lefapha la dikgwebo tsa setjhaba le lefapha la dipalangwa, Eskom le mokgatlo wa Afrika Borwa wa ditshebeletso tsa metsi (South African Association for Water Utilities), lafapha la diporofinsi le mahae, mokgatlo wa Afrika Borwa wa mebuso wa mahae (South African Local Government Association) le mekgatlo ya basebetsi (NEHAWU le PSA) dipatlisiso di se di entswe ho fumana tlhophiso ya makala e lokileng bakeng sa ntshetsopele le tsamaiso ya tsona?
Kgetho tse pedi di se di batlsisitswe, tsona ke?
Lefapha le arohanya tlhabollo le tsamaiso ya meaho ya setjhaba ho tse ding tsa ditshebetso tsa lona mme le etse mokgatlo o ikemetseng ka hara lefapha. Dimpe tsa kgetho ena ke hore lefapha ha lena matla ho kadima ditjhelete, mme le tshwanetse ho fana ka ditshehetso tsa ditjhelete bakeng sa meaho ho tswa ditjheleteng tseo e di abetsweng ke letlole la naha la ditjhelete kapa ho tswa mererong e itseng.
Ho thehwa ha mokgatlo o motjha kapa palo e nyenyane ya mekgatlo e menyane naheng lekala la makala a tsamaiso ya metsi la naha, makala a lebatowa- ho tsamaisa meaho ya naha le ho etsa meaho e metjha e hlokahalang. Kgetho ena e latela mokgwa o tlwaelehileng wa ho tlosa tshebetso ya mmuso ya ho fana ka ditshebeletso ka ho otloloha ho ya ho sebediseng makala a lokelang a mekgatlo ya setjhaba. Hona ho tla fana ka monyetla wa ho fumantsha monyetla wa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa diprojeke tsa ntshetsopele ya meaho. Ke hwa bohlokwa ho hopola hore lekala kapa makala e tla ba makala a tsamaiso ya setjhaba, ho thehwa ha ona ho ke ke ha eba ho fetisetsa moaho wa mmuso matleng a poraefete. Lekala (makala) la mofuta ona eka nna la fuwa konteraka ya ho aha le ho kenya tshebetsong meaho e hlokwang ke makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi kapa mekgatlo ya basebedisi ba metsi?
Ho dikgetho tsena tse ka hodimo, kgetho e thahasellwang ke ya ho theha lekala le le leng le tla ba le dikarolo tsa tshebetso mabatoweng a mane. Mokgwa wa kgwebo otla ralwa bakeng sa lekala, o tla lekolwa ke matona la tsa ditjheletele le ditshebeletso le tsamaiso ya setjhaba, hape ha eba ho thehwa ha lekala ho tjhaellwa monwana, tshisinyo di tla fetisetswa kabineteng ka 2004.
Molao (Act) o fa Letona matla ho laola bookamedi ba Trans-Caledon Tunnel (sheba ka tlase) ho etsa mesebetsi e itseng e amanang le kgwebo ya yona ya bohlokwa ya ho tshehetsa ka ditjhelete meaho e meholo ya metsi. Ntlheng ena bookamedi bo se bo tsheheditse letlole la metsi la Umgeni (Umgeni Waters treasury) hape le eteletse pele ho kenngwa tshebetsong ha projeke ya metsi ya Berg (Berg Water project) e Kapa Bophirima (Western Cape)?
Mabopo a dinoka a arolelanwang le matjhaba a etsa dipersente tse ka bang 60 tsa lefatshe la Afrika Borwa. Molao hammoho le molao o lekotsweng botjha wa karolelano ya mehlodi ya metsi dinaheng tsa lekgotla la boahelane la Afrika e ka borwa (SADC) o tlama Afrika Borwa ho arolelana metsi a mabopong a matjhaba le dinaha tsa boahelane ka ho lekana le ka tsela amohelehang. Ho latela hona, letona le ka nna la, ka dipuisano le kabinete, theha makala a tsamaiso, kenya tshebetsong ditumellano tsa matjhaba dintlheng tsa ntshetsopele le tsamaiso ya karolelano ya mehlodi ya metsi (shared watercourse) le ho phehella tshebedisano mmoho ya mabatowa ntlheng tsa metsi.
Mekgatlo e meraro e seng e le teng, e leng, bolaodi baTrans-Caledon (karolo ya Afrika Borwa ya projeke ya metsi a dihlaba Lesotho), bolaodi ba metsi a mabopo a Komati (RSA-Swaziland), le bolaodi ba kopanelo ba nosetso ya Vioolsdrift Noordoewer (RSA-Namibia) di nkilwe jwalo ka mekgatlo ya matjhaba ya tsamaiso ya metsiho ya ka malao. Ditshebetso tsa bolaodi ba metsi tsa Trans-Caledon Tunnel le tsa Komati Basin ho tshehetseng ntshetsopele ya meaho di hlalositswe ka tlase karolong ya 9 ya kgaolo ena.
Leha e sa thehwa ho ya ka molao, mekgatlo e latelang ya matjhaba e theilwe ho potlakisa ntshetsopele le tsamaiso ya mabopo a mane a matjhaba ao Afrika Borwa e a arolelanang le dinaha tsa boahelane?
Khomishene ya tshebetso mmoho ya metsi pakeng tsa Swaziland le Afrika Borwa.
Tsena di ne di amana le diprojeke tshimolohong mme di tsepamisitse maikutlo ho diprojeke tsa metsi a dihlaba Lesotho leya tlhabollo ya noka ya Komati Development project empa ha jwale bobedi di sebetsana le ditaba tse ding tse di amang ka ho tshwana.
Komiti ya setekgeniki ya ka nako tsohle ya mabopo a noka ya Limpopo (LBPTC) mahareng a Botshwana, Mozambique, Afrika Borwa le Zimbabwe.
Limpopo ke Khomishene ya noka tsa mabopo ho ya ka tsamaiso ya semmuso e lekotsweng ya karolelano ya mehlodi ya metsi a karolelano dinaheng tse Afrika e ka borwa (SADC). Tumellano ya ho theha Khomishene ya Limpopo ya metsi e ile ya tekenelwa Maputo ka Pudungwane 2003. E e tla kenela sebaka komiti ya setekgeniki ya ka nako tsohle ya Limpopo.
Khomishene ya sekgeniki ya metsi ya ka nako tsohle ya tshebedisano pakeng tsa Botshwana le Afrika Borwa.
Khomishene ya tshebedisano mmoho ya metsi pakeng tsa Mozambique le Afrika Borwa.
Khomishene ya metsi ya ka nako tsohle pakeng tsa Namibia le Afrika Borwa.
Komiti ya naha tse tharo ya ka nako tsohle mahareng a Swaziland, Mozambique Afrika Borwa.
Tsena di sebetsana le ditabatabelo tse tshwanang.
Mosebetsi wa diKhomishene tsa mabopo a dinoka ke ho ntshetsapele dipuisano pakeng tsa dinaha, e tla etsang hore ho le tshebedisanong mmoho ya tsamaiso le tshebediso e phahameng ya karolelano ya mehlodi. Di tla fana ka ntlha tsa bohlokwa bakeng sa tshebedisano mmoho maanong a tlhabollo ya mabopo, tsamaiso ya mabopo le pokello le karolelano ya lesedi.
DiKhomishene ha se makala a tsamaiso ya metsi ho ya ka molao, boikarabelo ba ho kenya tshebetsong diprojeke tsa ntshetsopele tse kopanetsweng, jwalo ka tlwaelo ke tsa makala a mahae. Le ha ho le jwalo, Khomishene e na le karolo ya bohlokwa eo e ka e bapalang ho ntshetsengpele tshebetso ya diprojeke tsa mabatowa.
Tshebedisano mmoho ya matjhaba ditabeng tsa metsi e hlaloswa ho ya pele kgaolong ya 5.
Molao o fana ka ditshebediso tse fapaneng tseo ka tsona tshebetso ya makala a tsamaiso e ka nna ya lekolwang ka yona ka mekgwa o latelang?
Makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le mekgatlo ya basebedisi ba metsi e lokela ho lokisa meralo ya kgwebo le diraporoto tsa selemo. Moralo wa pele wa kgwebo o lokela ho ba wa nako e sa feteng lemo tse tharo. Kamora moo moralo wa kgwebo o lokelwa ke ho hlabollwa selemo se seng le se seng. E lokela hore bonyane e kenyeletse ditabatabelo tsa makala a tsamaiso, maano a ona le diPholisi. Ditshebeletso tseo ho tla fanwa ka tsona ke boemo ba ditshebeletso, ditjhelete le ditshupo tsa boleng ba tshebetso le diphihlelo, dintlha ka botlalo tsa maano a ditjhelete, le tjhebelopele ya lekeno le ditjeho. Tokomane ya moralo e lokelwa ho nehwa letona le ka nnang, ka mora dipuisano le lekala kapa mekgatlo, la hlakisa hore diphetoho di etswe moralong.
Makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le mekgatlo ya basebedisi ba metsi a lokela ke ho ikamahanya le dipehelo tsa tsamaiso ya makala le a setjhaba. Dipehelo tse tobilweng di tlameha ho kenyeletswa molaong. Tsena di kenyeletsa diraporoto tsa selemo tsa makala a tsamaiso, tse kentseng dintlha ka botlalo tsa ditshebetso tsa tsona le tokomane e bontshang tshebediso ya ditjhelete, mme raporoto ena e fetisetswe ho letona e be e phatlaltswe bakeng sa ho lekolwa kapa ho rekwa. Raporoto ya selemo ya lekala la tsamaiso ya sebaka sa metsi e lokelwa ho balwa palamenteng, ha ya mokgatlo wa basebedisi ba metsi yona e newa mongodi wa palamente.
Makala bakeng sa tsamaiso ya metsi a matjhaba a thehilweng ho ya ka molao e a hlokahala, ka ntle le hore ditumellano tse itseng tsa matjhaba di hlalosa ka mokgwa o mong, ho isa raporoto ya selemo le selemo ho letona kapa ho mokgatlo ofe kapa ofe o hlalositsweng tumellanong ya matjhaba. Raporoto e lokela ho ba le dintlha ka botlalo ho kgontsha letona hore le lekole boleng ba tshebetso ya makala a tsamaiso kgahlano le ditabatabelo tsa tumellano hammoho le ditokomane tse bontshang tshebediso ya ditjhelete e lekotsweng ya selemo seo. Raporoto e lokela ho iswa ho mongodi palamenteng ho tswa lefapheng.
Boto ya molao wa metsi e thehilwe ha molao one o fetiswa ka Mphalane 1998. Di nka sebaka sa lekgotla la molao wa metsi le emisitseng tshebetso la molao wa 1956 wa metsi, ho ka tshebetso tseo e neng di sebetsa ha one o fedisiwa.
Ha se makala a tsamaiso ya metsi ho ya ka molao, ke lekala le ikemetseng le nang le matla a ho mamela le ho nka diqeto, boipiletso ditabeng tse ngata tse fapaneng tse amanang le metsi, haholo kgahlano le diqeto tsa tsamaiso tse entsweng ke bookamedi bo nang le boikarabelo le makala a tsamaiso ya metsi. Hape le tla nka diqeto ka kopo ya dtlhapiso bakeng sa ditshenyelo moo mosebedisi a bonang bokgoni ba ditjhelete ba tshebediso ya hae ya metsi bo hlokofaditswe ka ho hanelwa ka lengolo la tumello, kapa phokoletso ya tshebediso ya metsi ha lengolo la tumello le ntshitswe kapa e lekotswe. Le ha ho le jwalo tse ding tsa ditlolo tse belaellwang tsa metjha ya botsamaisi bo tla mamelwa ho nka diqeto ke makgotla a dinyewe ha ya ka molao wa kgothaletso ya toka ya tsamaiso (Promotion of Administrative Justice Act) (sheba hape kgaolo ya 5). Boto ya molao wa metsi e na le matla naheng ka bophara mme e ka nna ya mamela dinyewe dibakeng moo mathata a hlahileng teng. Tshebetso tsa yona di tsheheditswe ka ditjhelete ho tswa mokotleng wa lefapha la poloko ya ditjhelete tsa naha.
Metjha ya Pholisi bakeng sa diboto e ntse e lokiswa mme e tla phatlalatswa kgatisong tsa mmuso ha di se di tjhaelletswe monwana ke letona. Maipiletso a sejetswa ka pele le ka theko tse tlase. Ha ho, ho etsa mohlala, hlokahale hore motho ya etsang boipiletso lekgotleng kapa botong a be le boemedi ba semolao. Lekgotla le ka hatella motho e mong le e mong ho fana ka lesedi tabeng efe kapa efe e pela lona (lekgotla). Direkoto tsa diqeto tsa lona di ka nehelwa ho latela dikopo. Motho ya sa kgotsofallang diqeto tsa lekgotla a ka nna, ho latela molao, a ipeletsa kgahlano le diqeto ho lekgotla le phahameng.
Letona, kamora ho fumana lenane la batho ba kgethuweng ho tswa Khomisheneng ya ditshebeletso tsa molao (ho batho ba nang le mangolo a semolao) le Khomishene ya dipatlisiso tsa metsi (ho batho ba nang le mangolo a tsamaiso ya mohlodi wa metsi, enjeneri le makala a mang a amehang a bohlalifi), le kgetha maloko a pele a boto ka Motsheanong 2001. Maloko a lekgotla a sebetsa dilemo tse ka bang tharo, ka mora moo ba ka nna ba kgethwa hape.
Dikamano tsa makala a tsamaiso tse itshetlehileng hodima matla a molao di hlakisitswe ka hara molao.
Letona le fana ka matla makalang a tsamaiso, ho kenyeletswa le lefapha, ka ho fetisetsa (le, ntlheng tsa makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi) matla le tshebetso ho ona.
Letona le nale tsamaiso e feletseng hodima meralo le boleng ba tshebetso ya makala ana, ka ho sheba meralo ya kgwebo, maano a ditjhelete le diphihlello tse ikemisedisweng le raporoto ya selemo e isitsweng ho letona bakeng sa ho tjhaellwa monwana.
Letona le ka nna la sebedisa tsamaiso ya lona hodima makala a tsamaiso ka ho fana ka tsela ya tshebetso ho ona ditabeng tse ngata tse fapaneng tse amanang le boleng ba tshebetso tshebedisong ya matla le mosebetsi ya ona.
Ho feta mona, makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi a ka nna a, ha a fuwe matla a ho etsa jwalo, fetisa matla le mesebetsi dikomiting le mekgatlong ya basebedisi ba metsi.
Le ha ho le jwalo, dikamano tse tlohang hodima ho ya tlase tse hlalositsweng molaong ha di ya lekana ho etsa bonnete ba hore makala a tsamaiso a tla sebetsa ka katleho, hoba hona ho tla itshetleha haholo hodima hore makala ohle a tsamaiso a ahe dikamano tsa tshebetso tsa tshebedisano mmoho le tshehetsano.
Hona ho ama haholoholo makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, jwalo ka ntlha ya bohlokwa bakeng sa tsamaiso ya mohlodi wa metsi wa lebatowa, a tla lokela ke ho theha dikamano tse matla le ba nka karolo, bookamedi ba tsamaiso le tsamaiso tse ding tsa metsi le makala a ditshebeletso tsa metsi a kenyeleditseng mekgatlo ya basebedisi ba metsi jwalo ka ha e le bona basebedisi ba metsi fela, empa di na le maikarabelo ho mesebetsi ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi. Bookamedi ba botsamaisi bo o ho buuwang ka bona ke mafapha a mmuso wa selehae le diprovense a na le boikarabelo ho, hara tse ding, lefatshe le temo, tsamaiso ya tikoloho, kaho ya makala, bophelo bo botle, moralo wa diprovense le ntshetsopele ya leaho. Ho ntse ho le bohlokwa hore makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi a sebetsang karolelanong ya mabopo a dinoka boemong ba matjhaba ho theha dikamano tsa tshebetso, ho tloha lefapheng, ka diKhomishene tsa mabopo a dinoka.
Mebuso ya selehae ke, ho ya ka Molao wa Motheo, boemo ba mmuso bo fapaneng le a mang. Bo masepala ba nkwa jwalo ka batsamaise ba ditshebeletso tsa metsi, e leng ka ho otloloha ho tswa ho banehelane ba ditshebeletson, ba nang le boikarabelo ba ho fana ka ditshebeletso tsa metsi dibakeng tseo ba nang le matla ho tsona mme le bona e ntse e le basebedisi ba metsi. Tshebediso ena, ho kenyeleditswe tlhwekiso le ho lahlwa hwa metsi a silafetseng, qetellong e tla dumellwa le ho laolwa ke makala a ikemetseng. Dikamano pakeng tsa makala a ikemetseng le bookamedi ba lehae di tla netefatsa hore ho na le boemo bo phahameng ba kopano ya ditshebetso mahareng a tsamaiso ya mohlodi wa metsi le phano ya ditshebeletso tsa metsi.
Dikamano mahareng a makala a tsamaiso ya metsi le makala a tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi di hlalositswe ka botlalo kgaolong ya 5. Kenyeketso ya baemedi ba lehae le diprovense ho diboto tsa makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi e ikemiseditse ho hodisa dikamano tsena.
Letona le ka nna la se fetisetse matla ho i etsa molao; ii fana ka matla ntlong tsamaisong ya metsi ho amoha thepa; iii kgetha leloko la boto ya tsamaiso ya makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le; iv kgetha ya leloko la boto ya molao wa metsi sheba molao wa naha wa metsi wa 632.
Ho fetiseng matla le tshebetso, letona le ntse le na le boikarabelo ho ditlamorao tsa diketso tse ka tlasa matla a fetisitsweng. Ha matla le tshebetso a fetiseditswe ho makala a tsamaiso kapa motho ka mong, motho eo kappa lekala leo le tla nka boikarabelo ba ketso tsa lona.
Dibakeng tse ding tse tlase tsa lebowa-bophirima le borwa ho naha, moo meedi ya dibaka tsa metsi a ka hodima mobu di leng thata ho fihlellwa mme metsi a mobung moo e leng mohlodi o moholo wa metsi, meedi ya dibaka tse ding tsa tsamaiso ya metsi e itshetlehile hodima meedi ya majwe a nang le metsi, mohlala, majwe a nang le dikhemikale le metsi provenseng ya lebowa-bophirima.
Mosebetsi wa pele wa makala a ikemetseng (kgaolo ya 80 ya molao) ke: (a) ho batlisisa le ho eletsa batho ba nang le kgahleho tshireletsong, tshebedisong, ntshetsopeleng, tlhokomelong, tsamaisong le tsamaisong ya mohlodi wa metsi dibakeng tsa yona tsa tsamaiso ya metsi. (b) ho etsa maano a tsamaiso; (c) ho hokahanya tshebetso tse amanang tsa basebedisi ba metsi le makala a tsamaiso ya metsi dibakeng tsa yona ya tsamaiso ya metsi; (d) ho kgothaletsa kgokahanyo ya ho kenngwa tshebetsong tsa yona le ho kenngwa tshebetsong ha moralo ofe kapa ofe wa ntshetsopele o thehilweng ho latela molao wa ditshebeletso tsa metsi (Water Services Act) wa 1997; le (e) ho kgothaletsa ho kenya letsoho ha setjhaba tshireletsong, tshebedisong, ntshetsopeleng, paballong, tsamaisong le tsamaisong ya mehlodi ya metsi dibakeng tsa yona tsa tsamaiso ya metsi.
Diboto tsa nosetso bakeng sa mehlape tse tla fetolwa ho ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi ke tsa boto tsa metsi tsa Kalahari bophirima, Karos-Geelkoppen le Kalahari botjhabela sheba molao wa metsi wa naha kgaolong ya 981.
Mafelong a Hlakubele 2004 diboto tse 51 tsa nosetso di fetoletswe ho ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi, tse 237 tse setseng di lokelwa ke ho fetolwa. Boto e le nngwe e fedisitswe mme tse ding tse 8 di emetse ho fediswa.
Dikhomishene tsa mabopo a dinoka tsa mabopo a mang a mabedi a arolelanwang le matjhaba a thehwa ha nako e ntse e tsamaya (sheba karolo 8 ya kgaolo ena le kgaolo ya 5).
Ditaba tseo motho a ka etsang boipiletso ho boto ya molao wa metsi di hlalositswe karolong ya 148 ya molao, eo mmoho le lenane 5, di hlalosang metjha bakeng sa ho etsa boipiletso.
Ditshebeletso tsa metsi di bolela phumantsho ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere sheba molao wa ditshebeletso tsa metsi, karolo ya 1xix.
Ho fumaneha ha dintlha le lesedi le tshepahalang bakeng sa dintlha kaofela tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho bohlokwa haholo bakeng sa ho kenya ka katleho maano a molao wa naha wa metsi (the Act). Ha ho qeto e ka etswang ntlheng e feng kapa e feng ntle le hore e a tshepahala, e ikamahanya, mme ke lesedi le tsamaisang le dinako.
Dintlha tsa ho etswa ha qeto di tlamehile ho bontsha sebopeho sa mohlodi wa metsi, moo ho bontshwang ho amana ha bongata le boleng ba metsi a ka hodimo le a mobung. Mohlala ke diqeto tsa laesense ya tshebediso ya metsi tse sisintsweng tse hlokang dintlha le lesedi ka, hara tse ding sehlopha sa tsamaiso sa mohlodi le ditabatabelo tsa tsamaisanang le polokelo le boleng ba mohlodi; dipehelo tsa matjhaba tse tlamehang ho kgotsofatswa; bongata le boleng ba metsi a fumanehang; mekgwa le tsela tsa se molao tse dumeletsweng tsa ditshebediso ho tswa mohloding; bokgoni ba ho una ka ho laola ditlhoko; le bokgoni ba ho ka eketsa phepelo ka ho aha matamo. Haeba ho ka ba le dintlha tse sa fellang, qeto tse fihlelletsweng e tla be e se tse ka sehlohong.
Ho ka fihlella tlhoko ya lesedi le hokahantsweng, lefapha le ntse le lekola botjha, moo ho hlokahalang, dintlha tsohle tse fumanweng, ho hlopha ditekolo le dintlha bakeng sa ho etsa bonnete ba hore dintlha tsohle di fumanwe, di nepahetse le ho bolokwa, le hore hona le ho tshwana dintlheng tsa mesebetsi e fapaneng ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi. Hape mokgwa wa ho hlopholla le ho fana ka lesedi ka mekgwa e fapaneng bakeng sa ho ka fihlella ditlhokeho ho tla bolokwa le ho ntlafatswa.
Marangrang a naha a tla ralwa ka tsela eo makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi a tlang ho kgona ho nka boikarabelo ba ho tsamaisa lesedi le amanang le dibaka tsa bona tsa tsamaiso ya metsi le, moo ho hlokahalang, ho ba le phihlello ya masedi a dibaka tse mabapi. Marangrang a masedi a sebaka sa tsamaiso ya metsi e tla dula e le karolo ya marangrang a naha.
Marangrang a masedi a ditaba tsa tshebeletso tsa metsi, jwalo ka ka ha ho hlokeha ke molao wa ditshebeletso tsa metsi, o tla hokahangwa le marangrang a masedi a mehlodi ya metsi.
Molao o matlafatsa letona ho ka kopa motho e mong le e mong ho ka fana ka lesedi, ekaba ka nako e itseng kapa kgafetsa bakeng sa marangrang a tekolo le masedi a naha, ho tla tsitlallelwa tsamaiso le tshireletso ya mehlodi ya metsi. Pholisi e ka ngolwa ntlheng ena. Makala a tsamaiso ya metsi a lebeletswe ho phatlalatsa ntlha e nngwe le nngwe e teng ho marangrang a naha ho setjhaba, haholo ha e amana le koduwa e ka bang teng ho setjhaba se o, kapa boemo ba tshohanyetso.
Molao o hloka hore letona le thehe marangrang a naha a tekolo bakeng sa mehlodi ya metsi ho ka bokella dintlha tse hlokahalang, ho ka hlahlojwa?
Bongata, boleng le tshebediso ya mehlodi ya metsi.
Ho kgutlesetsa mehlodi ya metsi boemong ba yona.
Ho ikobela ditabatabelo tsa boleng ba metsi.
Ho ba maemong a matle ha tulo ya dimela le diphoofolo tse phelang metsing.
Le dintlha tse ka bang le molemo.
Lefapha le se le ntse le sebedisa marangrang a tekolo a bokellang masedi le ditaba. Empa marangrang a entswe ho ka sebetsa ka boikemelo ho a mang. Ho ka fihlella sebaka ho tla be ho sa lekana, mme ka baka leo ha ho lesedi le ka fumanwang dibakeng tse itseng. Hona le mathata a fumanwang ka boleng le ho nepahala ha dintlha. Ho phatlalatsa dintlha ha ho na ho ba le tshebetso ho ya kamoo ho lebeletsweng kateng. Tokelo ya ho ka fihlella dintlha tse bokeletsweng ke mekgatlo e meng, jwalo ka mafapha a mmuso, a poraefete le a selehae, diboto tsa metsi le basebedisi ba metsi, e fana ka mathata ka nako e itseng.
Lefapha le ntse le lokisa mathata a na ka ho kopanya marangrang a teng le a tlang a tekolo le mekgwa ya hlahlobo ho ka ba maemong a hodimo. Marangrang a tekolo a ka hlotjhwa ka dihlopha tse nyane, sehlopa ka nngwe se be le karolo tse tharo tsa tshebetso: ho fumana dintlha, ho di boloka le ho diphatlalatsa. Ho qolla ntlha bohlokwa, ho batla ditaba le ho di kenya dirapotong.
Ntlafatso ya tshebetso e lebeletsweng, ka ho arolelana ditsela tsa tshebetso tsa ho bokella ditaba le ho diboloka, ka ho ikamahanya le mekgwa le ditsela tsa tshebetso ho tjhorisa mekgwa ya phumano ya ditaba.
Karolo ya bohlokwa ya leano la tekolo le hlahlobo ke ho theha tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha le mekgatlo emeng e fanang ka tekolo tse amanang le metsi, dihlahlobo le marangrang a lesedi. Hona ho kentse mmuso wa naha, wa provense le wa lehae, makala a tsamaiso ya metsi le ditshebeletso tsa metsi, ba tshebeletso tsa boemo ba bolepi ba Afrika Borwa, mekgatlo ya poraefete le basebedisi ba metsi, moo sepheo eleng ho etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong mekgwa le tsela tsa tsamaiso bakeng sa ho tsamaisa ditekolo tsa mehlodi ya metsi.
Ntlha tse feletseng ka mekgwa e teng ya ditekolo le maano a ho ntlafatsa bakeng sa ho ka fihlela ditlhoko tsa molao di fumanwa ka tlase.
Mokgwa o o phallo ya noka e lekanngwang ka ona.
Sebaka se le seng kapa tse ngata tsa tekolo ya moralo.
Dimitara tse lekolang phallo dibakeng tsa polokelo.
Seteishene sa boemo ba lehodimo, moo pula le moyafalo di lekolwang teng.
Lesedi le bokelletsweng dibakeng tsa tekolo ya naha di hlahlojwa le ho hlaloswa bakeng sa ho fumana mekgwa ya thuto ya dikarolo tsa metsi dibakeng tsena, le ho fumana lesedi bakeng sa batsamaisi ba mehlodi ya metsi le basebedisi ba metsi.
Sebaka se teng ha jwale ho dibaka tsa tekolo hona le seteishene se le seng dikwereng tse 1 500 tsa dikilomitara hona ho nkwa dibaka tsena di sa fella bakeng sa naha, ho ya ka maemo a matjhaba, di na le palo e tlase ya metsi a fumanehang mme di se di atametse ho a sebedisa kaofela. Ho ya ka maemo a tshebetso e maemong a hodimo a hlaloswang ho mokgatlo wa bolepi wa lefatshe wa tsela tsa tshebetso tsa karolo tsa metsi, le ho ela hloko mekgwa le ditlhokeho tsa sebaka ka seng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi, boemo ba seteishene bo tlamehile ho, ka ho lekanya hore ho tla dula ho sebediswa marangrang a tekolo le mahlale a tswelopele a ha jwale, eketswa ka seteishene ka seng bakeng sa dikwere tse 1000 tsa dikilomitara. Ho ka fihlella palo ena, ho tlamehile ho ahwa diteishene tse 500 ka hodimo dilemong tse 20 ho ya tse 25 tse tlang. Palo ya diteishene tsa bolepi e hloka hore e eketswe ho tloha ho 275 ho ya ho 350, ha eba ho hlokeha ho feta mona e bang ba ditshebeletso tsa bolepi ba Afrika Borwa ba ka theola marangrang a bona?
Ho nale dibaka tse 625 tse sebetsang tsa tekolo, phallo dipolokelong, dikema tsa diphitisetsano le dikema tse kgolo tsa nosetso. Tebello ya ditlhokeho tsa tshebetso nakong e tlang dibakeng tsa tsamaiso ya metsi, ho kenyeleditswe le bohlokwa ba ho ka aha diteishene tse ding bakeng sa ho ka lekola ho ikobela ditlhoko tsa polokeho, di bontsha hore palo ya dibaka tse sebetsang e hloka ho eketswa ho tloha ho 1500 ho ya ho 2000.
Marangrang a tekolo a dula a lekolwa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho fihlellwa dibaka tse ngata, bakeng sa ditlhoko tse teng le tse tlang. Ho atoloswa ha marangrang a tekolo ke projeke ya nako e telele e ka nnang ya nka dilemo tse 20 ho ya ho tse 25 ho ka fihlellwa. Ka baka la ditjeho tse hodimo tsa katoloso (sheba karolo ya 9 ya kgaolo ena) le ditlhokeho tse dulang di le teng tshebetsong, tekolo-botjha ya marangrang a mahlale a tswelopele e tla etswa sebakeng sena ho tlisa ditjeho fatshe.
Tekolo ya palo tse fapaneng tsa boleng ba metsi.
Tekolo ya ho ba teng ha dikhemikale: Marangrang a naha a tekolo ya boleng ba dikhemikale metsing a na le dibaka tsa tekolo tse ka bang 850 dinokeng le dipolokeng. Ho lekola ho etswa ke dikantoro tsa mabatowa tsa lefapha, le ke diboto tsa metsi le mekgahlo ya poraefete. Bongata ba marangrang bo nkwa bo lekane.
Tekolo ya dikokwanahloko: Marangrang a naha a tekolo ya dikokwanahloko a teng dibakeng tse 8 tsa tsamaiso ya metsi.
Tekolo ya eutrophication (lenane la dimela tse bolayang diphoofolo ka ho di tima moya): Lenane la naha la tekolo ya eutrophication le kentse dipatlisiso tsa kokwanahloko tse fumanehang tikolohong, mme tekolo ena e fumaneha dipolokelomg tse 50?
Tekolo ya maphelo a diphoofolo le dimela sebakeng se itseng (biological): Lenane la naha la bophelo ba dinoka, le lekolang dibontshi tsa Biology, le sebetsa dibakeng tse itseng ho tse 19 tsa tsaimaiso ya metsi ka kopanelo le lefapha la tsa tikoloho le bohahlaudi le Khomishene ya dipatlisiso tsa metsi. Lenane lena le hlahisa diraporoto tsa boemo ba dinoka?
Tekolo ya tjhefo: Lenane la tekilo ya tjhefo ke hona le ntseng le ralwa le ho thehwa.
Tekolo ya tjhehollo ya dielemente tsa dikhemikale: Lenane lena le ntse le hlahlojwa dibakeng tse tharo moo ho nang le merafo.
Tekolo ya molomo wa noka: tekolo ya lenane lena e ntse e lohothwa.
Sebopeho le tsamaiso ya manane se tla lekolwa botjha jwale ka karolo ya ho kenngwa tshebetsong ha ditekolo kaofela, hlahlobo le marangrang a masedi. Karolwana tse itseng di tla ba ka sehlohong, mme tshehetso ya tsona le katoloso ya tsona e tla ba ho ya ka phumaneho ya mehlodi.
Metsi a mobung a nkwa e le metsi a poraefete ho ya ka molao wa metsi wa 1956, ka hoo boemo ba ona ha bo aka ba lekolwa kapa ho hlahlojwa ho tshwana le metsi a ka hodimo ho mobu. Leha ho le jwalo metsi a mobung a na le bokgoni ba ho ka kenya letsoho haholo ho fihlelleng ditlhoko tsa metsi dibakeng tsa mahae, haholo bakeng sa phepelo ya ka tlung. Marangrang a tekolo a teng a hlokwa ho ka atoloswa, dipatlisiso di entswe bakeng sa ho ntlafatsa kutlwisiso ya bongata le boleng ba metsi a fumanehang, ha e ba bokgoni bona bo ka tshehetswa, le tshebediso ya metsi a mobung a kopantsweng le tshebediso ya metsi a ka hodimo ho mobu.
Boemo ba metsi a mobung le boleng ba metsi bo dula bo hatiswa ho ya ka ntlha tse 150, mme ho kgefutswe kamora dintlha tse ding le tse ding tse 1000. Ho tswela pele ho lekola ka palo ya dintlha tse 460 ho a batlahala hore marangrang a sebetse hantle.
Tekolo ya naha ke lefapha dibakeng tse sa fihlellwang ho fana ka motheo wa tsebo ya boemo le boleng ba palo ya metsi. Ho trhehwa ha karolo ena ya marangrang ho beilwe ka sehlohong mme katoloso ya ona e lebeletswe ho qetelwa ka selemo sa 2006.
Tekolo ya phuduho ya metsi ke ba tsamaiso e ikemetseng ya dibaka tsa metsi ho ka lekanya motsamao ya boemo ba palo ya metsi le boleng ba metsi ka baka la diketso tsa motho. Hona ho tla sebetsana fela le tekolo ya ho ba teng ha dikhemikale, le ha hona ho tla hloka hore ho ke nngwe le tekolo tsa dikokwanahloko, tjhefo le tsa tjhehollo ya dielemente tsa dikhemikale. Lefapha le tla tswelapele ka ditekolo tsena ho fihlela ba ikemetseng tsamaisong ya dibaka tsa metsi ba nka maikarabelo. Marangrang a diteko a se a thehilwe dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse hlwauweng bakeng sa dilaesense tsa bakeng sa mang le mang ka tlasa lenane la molao (sheba karolo ya 8 ya kgaolo ena). Hona ho tla bea ka sehlohong katoloso ya marangrang.
Tshwaetso ya tekolo mahaeng. Dintlha tseo basebedisi ba fanneng ka tsona ho ya ka mabaka a teng ho ditumello kakaretso le ho dilaesense, e tla ba sesosa sa bohlokwa ho tshebediso metsi a mobung. Dintlha tse ding di tholwa diraporotong tsa maemo a fumanweng nakong eo ho epuwang metsi.
Disebediswa tse fumanehang bakeng sa ho lekola- basebetsi, tshehetso ya ditjhelete, meaho, ntho tse sebediswang bakeng sa ho phetha mosebetsi le disebediswa tsa mahlale a tswelopele-di dula di sa fumanehe kaofela. Tshisinyo ya dikatoloso ya ditekolo e hloka disebediswa, mme lefapha le ntse le hlahloba palo ya tlhokeho ya disebediswa jwalo ka karolo ya moralo. Ho kwetliswa ha batsamaisi ba mehlodi ya metsi ho tla hloka ditjhelete.
Dintlha ka botlalo tsa marangrang a masedi a teng le a matjha a fumanehabg.
Moralo o teng wa lefapa wa marangrang a tsebo ya dikarolo tsa metsi (Hydrology) o ile wa nkelwa sebaka ke marangrang a matjha ka lemo sa 2002. Marangrang ana a matjha a itshetlehile ho basebedisi ka kgwebo e seng e sebediswa dinaheng tse itseng. O bonolo, o nale ditshupetso, o nale mehlala, o sebedisa dimmapa ho bontsha marangrang. O ka sebediswa jwalo ka mokgwa o ikemetseng, mohlala ke ho batho ba sebetsanang le dikarolo tsa metsi ho fana ka ditshebeletso ho makala a tsamaiso ya metsi. O sebediswa jwalo ka mokgwa o hokahantsweng, ebile o na le kopano pakeng tsa lefapha le makala a tsamaiso ya metsi ya makala a ikemetseng. Ka mora ho kenngwa kantorong ya naha ya lefapha ka lemo sa 2002 le ho latelwa ha ho fetiswa ha lesedi ho tswa ho mokgwa o teng le basebetsi ba kwetlisitsweng. Marangrang ana a matjha a lebeletswe ho sebetsa kantorong tsa mabatowa ka selemo sa 2004.
Lefapha le ntse la rala mokgwa wa lona wa tsamaiso ya metsi bakeng sa ho ka sebetsana le tsela tsa botsamaisi bakeng sa marangrang a tekolo ya boleng ba metsi, esita le ho a boloka, ho a kenya motjheng le ho phatlalatsa sepheto. Mokgwa ona o kgothaletsa ho kopanngwa ha mefuta ya ditekolo bakeng sa ho ka theola kapa ho tlosa ka hohlehohle ho hatiswa kgafetsa ha ho hlahlojwa ha ditekolo le boleng.
Marangrang a tsamaiso ya metsi a se a ntse a sebetsa kantorong ya naha ya lefapha le kantorong e le nngwe ya lebatowa. Mme ho lebelletswe hore a tla sebetsa ka botlalo ho ya selemong sa 2007.
Moralo wa lenane la lesedi la metsi a mobung o se nketswe sebaka ke mokgwa o radilweng ho ya ka ditlhoko tsa basebedisi jwalo ka tharollo e kopanyang, ho fihlela mokgwa wa National ground water archieve(sebaka se ho bolokwang dintlha kappa masedi ka ha metsi) o kena tshebetsong. Tlhabolo ya marangrang a na le phitiso ya lesedi di lebeletswe ho phethelwa selemong sa 2004?
Polokelo ya masedi e tla hokahanngwa le marangrang a masedi a ka fanang ka lesedi la tsamaiso dintlheng tsa bongata le boleng ba metsi a ka hodimo le a mobung, le ho potlakisa masedi ana. Marangrang ana a tla ntjhafatsa metsi a mobung le tshwaetso tsa kgulo ya metsi.
Marangrang ana a se a kentswe kantorong ya naha ya lefapha le kantorong tse tharo tsa mabatowa. Ho lebelletswe hore a tla sebetsa ka botlalo mabatoweng kaofela selemong sa 2004.
Ho tsamaisa tumello tsa tshebediso ya metsi ka ho kenyeletsa phallo ya dikopo tsa laesense, ho di hlahloba, ho ntsha kapa ho hanela le ho e lekodisisa botjha hape. Thlatlobo ya kopo, boipiletso kgahlanong le kopo, mabaka a leasense le ho fetolwa ha tefo tsa metsi.
Ho kenngwa ha mangolo a batlang tefo ho basebedisi ba metsi ho thehilwe ho ya ka sebopeho sa ditheko, ho ntshwa ha ditlankana le dipamphitshana tse bontshang ditjhelete, akhaonto ya lekgetho le fumanweng le tefo tse saletseng tsa tshebediso ya metsi. Karolo ya ditjhelete ya marangrang a tumello ya tshebediso ya metsi le tsamaiso ya boingodiso ke mokgwa o tsitsitseng, o itshitlehile ho mokgwa e amohelehang ya ditshebediso tsa ditjhelete. O kentse hlahlobo ya lesedi le leng le le leng. Ho sireletswa ha lesedi le botsitso, ho tla netefatswa ka ho dula ho kopiswa le ntjhafatswa ha lesedi kantorong tse lefapha le tsa mabatowa. Ho theha kgokahanyo tsa masedi. Ho theha maqhama le makala a mang a pokello ya masedi bakeng sa ho netefatsa lesedi le teng.
Karolo ya ngodiso ya marangrang ana, ha e sale e sebetsa ho tloha ka selemo sa 2000. Tsela tsa ho lefisa ditjeho di bile teng ditekong tsa 2002, ka mora ho hlabolwa di tla kena tshebetsong ho tloha selemong sa 2003. Bokgoni ba ho ka fana bo tla latela ka selemo sa 2004. Ho thehwa ha maqhama le makala a mang a pokello ya masedi ke mafapha ho tla qalwa ka 2004.
Karolo ya 67 ya molao wa ditshebeletso tsa naha tsa metsi o hlalosa hore, marangrang a lesedi a naha bakeng sa ditshebeletso tsa metsi a ka theha karolo e kgolo e amanang le metsi ka kakaratso.
Karolo ya 3 ya kgaolo ya 14 e hloka batho ba ikarabellang ho moralo ya kaho ya metse ditoropong ho ka bontsha mela ya merwallo bakeng sa lemo tse 100 meralong, e hloka makala a tsamaiso ya metsi ho fana ka lesedi le amanang le merwallo, komello le bokgoni ba ho ka ba teng ha dikotsi setjhabeng hape e hloka letona ho theha mekgwa ya ho bontsha tlhokomediso ya dikotsi.
Ntlha ya 5 ya lenane la 3 le dumella makala ikemetseng a tsamaiso ya sebaka tsa metsi ho ka fana ka tataiso mabapi le tshebetso tsa metsi bakeng sa ho sireletsa setjhaba kapa diphahlo.
Kgaolo ya 12 e buwa ka dipehelo tse amanang le tshireletso ya matamo.
E nngwe ya ditabatabelo tsa molao wa metsi wa naha ke ho kenya letsoho polokehong ya setjhaba le tshireletso ntlheng tsa metsi. Karolo ena e hlalosa ka botlalo ketso tse ding tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi tse kenyang letsoho ho thibeleng ha ho hlahella ha dikoduwa tse amanang le metsi, le ho theola ditlamorao tsa teng ha di etsahala. Koduwa tse amanang le metsi di tlamehile ho tsamaiswa ho ya ka moralo wa Pholisi ya tsamaiso ya koduwa tsa naha le molao. Mabaka ana a se a hlalositswe.
Dikoduwa tse amanang le metsi di nka dibopeho le mekgwa e fapaneng mme di na le tshusumetso tse fapaneng naheng le mahaeng. Di beha kotsing bophelo, bophelo botle le maiphediso haholo ho batho ba futsanehileng, mme di senya diphahlo tsa bohlokwa. Merwallo e itlhahela fela Afrika Borwa ka baka la ho feto-fetoha ha maemo a lehodimo, empa e bakwa le ke ho hloleha ha matamo. E baka tahlehelo tsa maphelo le tshenyo ya bodulo metseng e mabopong a dinoka, le ho emisa phepelo ya metsi ka ho senya matamo, le moo metsi a hlwekiswang teng le mekgwa ya ho fana ka metsi. Merwallo e senya ditsela, tsela tsa diterene, marokgo, meaho ya motlakase le dikgokahanyo le ho hohola mobu wa bohlokwa. Pula tse matla tse tsamayang le meya e matla ha di bake merwallo fela empa di senya le meaho, haholo meahong ya bodulo ya metse e futsanehileng.
Komello di ka hlaha nako e nngwe le ngwe hohle naheng. Di ka ba teng baka sa lemo tse itseng. Di theola phumaneho ya metsi dikarolong kaofela tsa naha, empa ditlamorao tsa teng di ba kgolo ho batho ba sa tholeng metsi ka dipeipi, ba itshetlehileng ho didiba tsa phallo ya dinoka bakeng sa metsi. Komello di ka beha polokeho ya dijo ka mosing ka ho sitisa tlhahiso nosetsong le temong eo pula di nang teng, le ho sitisa ho fehlwa ha motlakase ho ka bang le ditlamorao tse mpe moruong.
Kotsi e nngwe ke ya tshilafalo ya mehlodi ya metsi ho tswa ho qhalaneng ha dintho tse nang le tjhefo. Hona ho ka etsa hore metsi a be boemong bo sa lokang bakeng sa ho ka sebediswa mme a ka senya tshebetso ya tikoloho mehloding ya metsi. Tshilafalo ya dikokwanahloko e etsa hore ho be teng mahloko a kang kholera. Metse e sa fumaneng ditshebeletso tsa dikema tsa phepelo ya metsi, di fumana metsi ka kotloloho ho tswa melapong le dinokeng, ke tsona tse kotsing ya ho angwa ke mofuta ona wa tshilafalo.
Nakong e fetileng tsamaiso ya dikoduwa Afrika Borwa e ne e sebetsa ha dikoduwa di e ba teng kapa ha di se fitile. Dikoduwa di emisa tsela ya hlabollo ya setjhaba le moruo. Hona le tsela tse ka sebediswang ho thibela dikoduwa kapa ho theola ditlamorao tsa dikodowa.
Mmuso selemong sa 1994 o qadile motjha wa ho theha mokgwa o akaretsang mang le mang. Pherekgong ya 1999 lefapha la taba tsa diprovense le taba tsa Molao wa Motheo (le seng le bitswa mebuso ya diprovense le mahae) le ile la hlatisa tokomane ya ditshisinyo ka tsamaiso ya dikoduwa.
Ho phahamisa boitokisetso bakeng sa dikoduwa le ho matlafatsa bokgoni ba ho sebetsana le dikoduwa setjhabeng ka ho phatlalatsa masedi le ho theha manane a tlhokomediso, a thuto le a kwetliso.
Ho ka fihlella ditabatabelo tsena polisi e sisinya hore maano a ho ka theola ho ka ba teng ha dikotsi a kenyeletswe meralong kaofela ya thlabollo le mesebetsing ya mekgatlo ya setjhaba le ya poraefete. Maano a tlhabollo a tla ralwa ho ya ka meralo ya tsamaiso ya dikoduwa boemong ba naha, provense le ditereke tsa bomasepala. Maikarabelo a ho hlabolla meralo e tla ba boikarabelo ba dibaka tsa tsamaiso ya dikoduwa tse theilweng bakeng sa ho tsamaisa ditshebeletso tsohle tsa tsamaiso ya dikoduwa.
Polisi ena e amohela maikarabelo a tsamaiso ya dikoduwa a laolwang ke mmuso, mme katleho ya ditshisinyo tsa yona e tla itshetleha ka tshebedisano mmoho pakeng tsa dikarolo tsa mmuso le dikamano le mekgatlo ya baahi le ya mekgatlo ya diporaefete.
Ditshisinyo tsa Pholisi ya tsamaiso ya dikoduwa di ile tsa kena molaong nakong eo ho neng ho phatlalatswa molao wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa ka Pherekgong 2003 (nomoro ya 57 ya 2002).
Molao ona o thehile sebaka sa tsamaiso ya naha sa dikoduwa, se tlang ho laola tsamaiso tsohle tsa dikoduwa. Sebaka sena se lebeletswe ho theha moralo wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa le ho theha maqhama a dipuisano, le ho etsa ditlhopiso tsa phapanyetsano ya masedi le ba nkang karolo tsamaisong ya dikoduwa. Molao wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa o neha sebaka sena matla a ho ka kopa mokgatlo kapa motho ho fana ka lesedi. Lefapha le ne le ntse le sebetsa mmoho le baka sa nakwana sa tsamaiso ya dikoduwa bakeng sa nako e itseng, ka ho fana ka tshehetso bakeng sa marangrang a masedi le tswelopele dikamanong. Maikarabelo a lefapha ho ya ka molao o motjha o hlaloswa ka tlase ho karolo ya 5.
Maikarabelo a lefapha bakeng sa dikoduwa, jwalo ka ho kgutsufatso e ho karolo ya bobedi, e amana le tsamaiso ya merwallo le komello, ho theolwa le thibelo ya tshilafatso le howa ha boleng ba mehlodi ya metsi, le ho bapatsa polokeho ya matamo.
Lefapha, jwalo ka dikarolo tse ding tsa mmuso tse nang le maikarabelo a ho tsamaisa dikoduwa, le tla hloka ho rala leano la tsamaiso ya dikoduwa ho ya ka moralo wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa. Lefapha le tla lokela ho etsa bonnete ba hore moralo wa tsamaiso ya dikoduwa o kenyeletswa maanong a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le ho moralo wa kgwebo wa mekgatlo ya basebedisi ba metsi. Le tla tlameha ho etsa bonnete ba hore dipehelo tsa dikoduwa tse amanang le metsi di a kenyeletswa ho maano a tlhabollo a ditshebeletso tsa metsi le ho ba tsamaiso ho ditshebeletso tsa metsi le moralo wa kgwebo wa diboto tsa metsi.
Boemo ba lehodimo ba Afrika Borwa bo fapane, mme ha bo a tsitsa. Morero wa matamo a mangata ke ho boloka metsi ka nako tsa ho na ha dipula le ho fana ka metsi ka nako tsa komello. Matamo a ka bapala karolo ya bohlokwa tsamaisong ya merwallo ka ha a theola lebelo la metsi a kenang letamong ho ya ho lebelo le tlase le ka letamong ho theoheleng nokeng. Hona ho tsejwa e le phokotso ya lebelo, mme ho etsahala matamong kaofela le ha polokelo e tletse, metsi a morwallo a ka kena. Phokotso ya lebelo e ka eketswa ka ho lokollwa ha metsi pele metsi a morwallo a kena sebakeng seo, ho etsa hore ho be le sebaka se teng sa metsi a morwallo pele letamo le qhaleha. Ke matamo a palo e tlase a nang le diheke bakeng sa ho ka fana ka sebaka bakeng sa merwallo ha phepelo e tletse. Matamo a mang a na le bokgoni ba ho lokolla metsi pele morwallo o fihla.
Ka kakaretso matamo a mangata ha a na bokgoni ba ho lokolla metsi ka tshwanelo bakeng sa ho eketsa phokotso ya lebelo la metsi. Ka ha sepheo sa matamo e le ho boloka metsi a mangata kamoo a kgonang ka teng le nako e telele, ho lokollwa ha metsi ho tla etswa moo ho nahanwang hore letamo le tla tlala ha morwallo o fetile. Ho na ho batla tsebo e hlwahlwa le bokgoni ba ho lepa boholo ba morwallo o tlang, hona ho fumaneha dibakeng tsa ngata tsa metsi (tlhokeho ya lesedi bakeng sa tsamaiso ya dikoduwa e hlaloswa ka tlase).
Matamo a palo e tlase a ahilwe bakeng sa phokotso ya lebello letamong la Qeduzi nokeng ya Klip e Ladysmith Kwazulu Natal. Matamo ana a dula a sena metsi boholo ba nako, a ba le metsi ka nako tsa merwallo. Le ha matamo ana a sebetsa ho tsamaiseng morwallo, a tjeho tse hodimo, mme ha a sebetse ho ya ka tshwanelo ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi?
Sebaka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa se thehile dihlopha tsa tshebetso, se seng le seng se tla rala karolo ya moralo wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa. Lefapaha le etelletse dihlopha tsena tsa tshebetso bakeng sa ho rala Pholisi ya tsamaiso ya dikoduwo. Ho lebelletswe hore dihlopha tsena di tla sebetsa mmoho le baemedi ba makala a ditoropo, dipalangwa, temo, le ditshebeletso (dikgokahanyo le phepelo ya motlakase).
Tshebetso ya matamo a maholo ka tsela e bebofatsang ditlhokeho tse sa tsamaisaneng tsa polokeho ya phepelo ya metsi le tshireletso ya dibaka tse motheong.
Tshebediso e bolokehileng ya botjhitja ba noka bakeng sa nako ya morwallo. Lebaka le behang maphelo a batho tsietsing le meaho ke ho dula ho seng molaong pela melomo ya dinoka kapa dibakeng tse ratwang ke merwallo. Hona ho fumaneha metseng ya ditoropo moo ho aha pela dinoka e leng lona lefatshe le fumanehang bakeng sa batho- haholo bakeng sa batho ba futsanehileng moo sebaka sena se leng haufi le baka sa mosebetsi.
Ho rala mabaka a ditshebeletso jwalo ka ditsela, marokgo le tshebetso tsa metsi tse pela dinoka bakeng sa ho ka fihlela tekano pakeng tsa kgonahalo le tlhokeho ya meaho e matla ho ka hlola merwallo.
Marangrang a tlhokomediso ya merwallo dibakeng tse ratwang ke merwallo, a hokahantsweng le manane a setjhaba a thuto, a kwetliso le tlhokomediso.
Ho hloleha ha matamo le ho bulwa ha diheke tsa matamo ho seng molaong ho ka baka merwallo e tshosang.
Kantoro ya polokeho ya matamo; e kantorong ya lefapha la naha Pretoria, e laola dipehelo tsa molao tse amanang le polokeho ya matamo a matjha le a kgale. Dipehelo tsena di ikemiseditse ho etsa bonnete ba hore matamo ana a ralwa, a ahwa, a tsamaiswa le ho hlokomelwa bakeng sa ho theola ho ba kotsing ha tahlehelo ya maphelo kapa tshenyo meahong le boleng ba mehlodi ya metsi ka baka la ho hloleha ha matamo. Matamo ohle a behang polokeho kotsing a tlameha ho ingodisa le lefapha.
Moralo, kaho le ho tlohellwa ha matamo, a mokgahlelong wa bobedi le wa boraro o behang polokeho kotsing, o tlamehile ho etswa ke batho ba nang le mangolo ao, ba hlaloswang ke molao e le batho ba maemo a hodimo ka mosebetsi. Banga ba matamo ana, ho kenyekeditswe le lefapha, ba tlamehile hore matamo a bona hlahlojwe kgafetsa ke sehlopha sa batho ba maemo a hodimo, le ho etsa ditokiso bakeng sa ho etsa bonnete ba polokeho ya matamo a o. Ditokiso le tlhokomelo ya matamo ana di tlamehile ho etellwa pele ke motho wa maemo a hodimo ka mosebetsi.
Beng ba matamo a mekgahlelong ya bobedi le ya boraro a nang le kotsi polokehong ba tlamehile ho rala le ho nehelana ka leano la tshebetso le tlhokomelo, le leano la moralo la maemo a tshohanyetso ho kantoro ya polokeho ya matamo. Leano la moralo wa maemo a tshohanyetso le tlamehile ho bontsha dikgato tse ka nkwang ka nako tsa ho hloleha ha matamo kapa maemo a tshohanyetso. Leano lena le tlamehile ho bontsha ka botlalo dibaka tse motheong tse ka angwang ke ho hloleha ha letamo le ho ka fana ka ditlhokomediso bakeng sa batho ba kotsing.
Lefapha le ntse le rala Pholisi e ntjha e amanang le polokeho ya matamo ho ya ka karolo ya 122 ya molao (Act). Hona ho tla kena sebakeng sa Pholisi e tlasa molao wa metsi wa selemo sa 1956. Ho ralwa ha molao ona ho tla phetelwa kamora ho kopana le setjhaba le ho tjhaelwa monwana ke mmuso. Pholisi ena e tla ba teng ka selemo sa 2004.
Ha Pholisi ena e se e kene tshebetsong, Pholisi e teng e laolang ditshebetso ya boeletsi ya polokeho ya matamo e tla lekolwa botjha le ho lokiswa hape moo ho hlokahalang teng ho ka tsamaisana le dipehelo tsa molao. Pholisi e ka nna ya ralwa bakeng sa tshehetso ya ditjhelete mabapi le dintlha tsa polokeho tsa matamo.
Boikarabelo ba lefapha bakeng sa boikobelo ba molao wa polokeho wa matamo a ka tlasa tsamaiso, tsamaiso le tlhokomelo ya lefapha, hona ho fapane le boikarabelo bo ka tlasa Pholisi ya polokeho ya matamo.
Tsamaiso ya dikomello ho tswa lehlakoreng la mehlodi ya mets, i le sebetsana fela le ho bebofatsa ditlamorao tsa nako e telele ho didiba tse tlase ho ya ho tse maemong a lekaneng melapong le dinokeng, ka ho fana ka metsi ho tswa matamong a dipolokelo. Ka baka la hobane nako ya komello e sa kgone ho lepuwa ka botlalo ha jwale, metsi a matamong a polokelo a tlamehile ho sebediswa ka hloko mme ho ka hlokahala ho theola tshebediso ya metsi ha ho bonahala hore nako tsa komello di atametse kapa ka nako eo komello ebang teng ho feta nako e lebelletsweng. Moo dipehelo tsa tshebediso di hlokahalang, metsi ho fihlella ditabatabelo tsa ditlhoko tsa bohlokwa tsa batho di tla ba ka sehlohong ha ho ajwa metsi. Di latelwe ke tshebediso tsa bohlokwa tse kang ho fehlwa ha motlakase le diindasteri. Ka kakaretso metsi bakeng sa nosetso ke ona a pele a behelwang dipehelo. Ka baka la tshwaetso tse mpe tsa pehelo tsena, lefapha le tla ntsha tsebiso ho ba temo ka taba ena. Boholo ba mobu wa temo Afrika Borwa bo sebedisa pula bakeng sa ho lema, hona ho itshetlehile ka boemo ba dipula mobung ba keng sa kgolo ya dijalo. Metsi a bolokwang matamong ha a fane ka tshireletso kgahlanong le ho ba tlase ha mongobo wa mobu ka baka la komello e bakwang ke maemo a tlase a dipula. Leha ho le jwalo, hona ho tlamehile ho elwa hloko ke batsamaisi ba mohlodi ya metsi hore ho se be teng ha dimela ho ka baka kgoholeho ya mobu, ho ka etsang hore ho be le matlakala a yang dinokeng le matamong le ho fokotsa sebaka se polokelong. Lefapha le tla sebetsa ha mmoho le lefapha la temo, le eteletsweng pele ke sehlopha sa tshebetso sa komello se theilweng ke sebaka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa, ka ho rala mekgwa e lebisitsweng ho ka theoleng ditlamorao tsa komello.
Tshilafalo ya mehlodi ya metsi.
Mokgwa wa lefapha wa tsamaiso ya boleng ba metsi (sheba karolo ya 2 ya kgaolo ena) ke ho kgothaletsa phokotso ya metsi a silafetseng a yang ho mohlodi wa metsi. Moo ho tshollwa ha metsi a silafetseng ho se nang ho qojwa, tshwaetso ho basebedisi ba metsi, ho mehlodi ya metsi, le ho setjhaba ka kakaretso, di tla laolwa ke boemo le tsitlallelo tsa batho ba dulang sebakeng seo.
Ka nako tsa tshohanyetso, moo nthwana tse kotsi di lahlelwang metsing, molao o beha maikarabelo a ho hlwekisa ho batho ba bakileng tshilafatso e o. Le ha ho le jwalo, makala a ikemetseng a baka tsa metsi a ka potlakisa mosebetsi ka ho etsa hore mosebetsi o etswe ke batho ba bang mme ditjeho di fumanwe ho tswa ho baikarabelang, ba entseng tshilafatso ena. Ketso tsohle tsa tshilafatso di tlamehile ho tsebiswa lefapha, bakeng sa ho nka kgato tse lokelang tshebedisanong mmoho le baka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa le baka tsa tshebeletso tsa tsamaiso ya dikoduwa. Maikarabelo ana a tla fetisetswa ho makala a ikemetseng a tsamaiso ya metsi.
Tshilafatso ka nthwana tse kenellang mobung, mohlala ke baka tsa baipehi tseo ho leng boima ho laola sesosa. Ho se be teng ha tsamaiso ya dikgwerekgwere dibakeng tsena ho baka tshilafalo ya dikokwanahloko ho mohlodi ya metsi. Hona ho lebisa mahlokong a kholera ho batho ba sebedisang metsi ana ka kotloloho ho tswa dinokeng. Ho fihlela phepelo ya metsi le dikgwerekgere di ntlafatswa naheng kaofela, maemo a tshwanang le ana a tla lebisa ho qhomeng ha mahloko a o tsamaiso ya ona e tla batlang tshebedisano mmoho e tiileng ho tswa lefapheng, ho ba tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi, ditshebeletso tsa bophelo le tsa tshohanyetso. Sebaka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwo se se hokahantse moralo wa leano la tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha bakeng sa ho sebetsana le kholera, kapa ho fana ka moralo wa ho sebetsana le ho qhoma ha mahloko.
Ho fumaneha ka nako ha lesedi le bontshang ho ka ba teng kapa ho ba teng ha koduwa, ho bohlokwa haholo ho ka etsa hore setjhaba le makala a itokisetse maemo ana. Lesedi lena le a hlokahala ho kgontsha batsamaisi ho nka qeto tse ka sebetsang, ho kentse ditlhokomediso ho setjhaba ka ho ka ba teng ha koduwa.
Karolo ya 144 e hloka batho ba ralang maano a bodulo metseng ya ditoropo ho bontsha tsela tsa ho sebetsana le morwallo bakeng sa lemo tse 100 moralong wa bona.
Karolo ya 145 e hloka makala a tsamaiso ya metsi, e kenyeleditse le lefapha, ho ka nehelena ka lesedi le matsohong a bona ho e mong le e mong ya ka angwang ke ketso tsena tsa metsi.
Mabaka a karolo ya 145 le a matjha a molao wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa, a tsitlallela bohlokwa ba ho ntlafatsa le ho atolosa marangrang a ditekolo le tlhabollo ya masedi (sheba karolo ya 6 ya kgaolo ena).
Ka baka la potlako ya ho etsahala ha maemo ana jwalo ka morwallo, ho thubeha ha matamo, ho tlamehile ho tsepamiswa maikutlo ntlafatsong ya meaho dibakeng tse bohlokwa haholo tsa ditekolo hore masedi a fetiswe kgafetsa ha bonolo ho ya ho lefapha le bakeng tse ikemetseng.
Noka tsa Vaal le Orange di nale bokgoni bo feletseng ba ho ka lekola dipula le phallo tsa noka tse etsang hore ho be bonolo ho ka fana ka ditlhokomediso tsa merwallo. Kantoro ya merwallo ya lefapha la naha e tla bitsetswa ho ka sebetsa e bang bokgoni ba merwallo bo phahama ho marangrang a dinoka tsena. Ho lohothuwe ho ka atolosa bokgoni ba kantoro ena ka ho hlahisa tshebediso ya ho lekanya mokgwa wa phallo ya noka o kenyeletsang lesedi la ho na ha dipula le ho ahwa ha disebediswa tsa marangrang a tshebeletso tsa bolepi tsa Afrka borwa.
Nqeng tse ding tsa naha ho lekanya phallo diteisheneng ho ntlafaditswe ho ka dikgontsha ho lekanya le ho hatisa phallo ya morwallo, haholo moo meaho le bodulo di leng kotsing. Kgato tse tshwanang le tsena di tla nkwa le ho dinoka tse motheong tse arolelwanang le naha tse mabapi.
Bokgoni ba ho lepa tlhaselo ya merwallo le dikomello bo hloka pokello ya lesedi la dipula le lesedi la phallo ya melapo, empa boholo le bokgoni ba marangrang a ho lekanya a wetse fatshe dilemong tsena Afrika Borwa. Lefapha le tla sebetsa hammoho le sebaka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa, tshebeletso tsa bolepi Afrika Borwa le lekgotla la temo la dipatlisiso, kaofela ba tsona di bokella lesedi ka ho na ha dipula, ho etseng bonnete ba hore lesedi le feletseng la dipula le dula le fumaneha ho batsamaise ba mehlodi ya metsi le dikoduwa.
Ketso tsa tshilafalo, haholo tsa tshilafalo ya dikokwanahloko le ho ba teng ha dintho tse tjhefo mehloding ya metsi di beha tsietsing maphelo a batho. Ho tla tsepamiswa maikutlo ho ntlafatseng marangrang a tekolo ya metsi bakeng sa ho lepa tshwaetso le ho etsa bonnete ba hore lesedi le hlokahalang le fumaneha ka potlako ho ba o ba leng tsietsing.
Jwalo ka karolo ya lona ya mosebetsi le sebaka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa, lefapha le eteletse pele theo ya dibaka tse ka bang tsietsing ya dikoduwa. Hona ho tla fumantsha le ho bontsha lesedi kaofela le batlahalang: mohlala ke thuto le boholo ba sebopeho sa lefatshe, tshebediso ya mobu, dipula le thuto ya lenane la batho ba hlahang le bashwang; bakeng sa ho etsa diqeto nakong ya tshohanyetso le maemong a koduwa. Ho hlabolla mokgwa wa morwalo wa potlako jwalo ka karolo ya atlelase (atlas) ho tla fana ka mokgwa wa ho lekola tsela tsa mongobo wa mobu le metsi a ka hodimo bakeng sa ho ka bebofatsa ditebello tse ka bang teng tsa maemo a komello le merwallo.
Lefapaha le motjheng wa ho theha mekgatlo e tlang ho sebetsana le maikarabelo a lefapha mabapi le dikoduwa le maemo a tshohanyetso le ho tsamaisa mehlodi ya metsi le tshebeletso tsa metsi le mobu.
Ka selemo sa 1997/8 karolo tse ngata tsa naha di ile tsa ba ka tlasa maemo a komello ka baka la ho tjhesa haholo ho bakilweng ke Equatorial Pacific Ocean Elnino (mofuta wa motjheso). Hona ho ile ha etsa hore ho tshehetswe ka tshohanyetso ka metsi metseng e neng e anngwe ke tlhokeho ena. Ho tla lekolwa botjha le ho potlakisa, moo ho hlokahalang, diprojeke tsa ditshebeletso tsa metsi le ho theolwa ha dikotsi nakong e tlang?
Ho ya mafelong a 1999 marangrang a dikomporo le tshebeletso tse itshetlehileng ka matsatsi dieleketoroniki (electronics) tse sebediswang ke lefapha di ile tsa lekolwa botjha bakeng sa ho ka ba kotsing ke tshitiso ya selemo sa 2000 (Y2K). Lefapha le ile la kopanya boitokiso bohle ba meralo wa boemo ba tshohanyetso bakeng sa karolo kaofela ya metsi, le ho lekola matsatsi kaofela.
Merwallo e tshabehang e ile ya hlahella Leboya le Leboya- Botjhabela ba naha ka Hlakola-Hlakubele 2000, ho ile ha sitisa phepelo ya metsi ho dimiliyone tsa batho le ho baka tshenyo ho diphahlo le meaho e ballwang ho 3 500 ya dimiliyone tsa diranta, ho kenyeleditswe le tshenyo ya mesebetsi ya mmuso ya metsi e ballwang ho 350 ya dimiliyone tsa diranta.
Komello e qadileng ka ho ba teng ha dipula tse tlase ho dibaka tseo ho nang le pula ka lehlabula selemong sa 2002/3, e ile ya tswela pele ho ya selemong se latelang. Hona ho ile ha etsa hore ho kengwe manane a tshohanyetso ho boloka phepelo ya metsi a bohlokwa.
Le ha diketsahalo tsena di sebeditswe ka mokgwa o kgotsofatsang, di bontshitse tlhokeho ya mokgwa o hokahantsweng e bile o tsepame ho hokahanyeng mesebetsi ya lefapha ho ikarabeleng dikoduweng.
Ho etsa bonnete ba hore lefapha le fihlella ditabatabelo tsa lona ho ya ka molao wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa (sheba kgaolo ya 5).
Ho emela lefapha le ho hokahanya dikamano tsa mafapha kaofela le makala a amehang a theilweng ke molao o motjha wa tsamaiso ya dikoduwa, ho kentse le baka sa naha sa tsamaiso ya dikoduwa.
Ho kenya letsoho tlhabollong ya moralo wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa.
Ho kenya letsoho tlhabollong ya morwalo wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa le ho rala leano la lefapha la tsamaiso ya dikoduwa jwalo ka ha ho hlokeha ke molao wa naha wa tsamaiso ya dikoduwa.
Ho hokahanya mesebetsi e teng ya dikarolo tsa lefapha e ikarabellang dintlheng tsa polokeho ya setjhaba.
Ho etsa bonnete ba hore molao wa tsamaiso ya dikoduwa o kenyeletswa ho maano kaofela a tsamaiso ya dibaka tsa metsi le meralong ya kgwebo bakeng sa mekgatlo ya basebedisi ba metsi.
Ho etsa bonnete ba hore maano a ka bang teng nakong e tlang bakeng sa koduwa tse amanang le metsi a kenyeletswa ho meralo kaofela ya tlhabollo ya ditshebeletso tsa metsi le ho meralo ya kgwebo e radilweng ke batsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi le makala.
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le dipuisano tse hlakileng le mekgatlo ya basebedisi ba metsi ka ho ba teng ha dipehelo tsa tshebediso ya metsi ka baka la komello.
Letamo le nang lekotsi polokehong le hlaloswa e le letamo le leng le le leng i le ka kgonang ho boloka metsi a tlolang 50 000 cubic metres, le lekanngwa ka phapang ya ho tloha fatshe ho ya hodimo motheong wa mobu ho ya bokantleng ba mabota a letamo bo sa qhaleng metsi: ii le wela ka tlasa matamo a hlalositsweng hore a na le kotsi polokehong ho ya ka karolo ya 1182; iii a hlaloswa e le matamo a nang le kotsi polokehong ho ya ka karolo ya 1171?
Ho tlamehile ho elwa hloko hore Pholisi ya karolo ya 9 b ya molao wa metsi wa 1956 e amahanya matamo a nang le kotsi polokeng lesedi la mmuso la R. 1560, Phuptjane 1986, e arola matamo a nang le kotsi polokehong ka mekgahlelo e meraro, i ii, iii: e bontshang boholo ba kotsi bo ka bang teng, mokgahlelo wa iii o bontsha kotsi e kgolokgolo e ka bang teng?
Meralo ya mela ya merwallo bakeng sa theho ya metse ya dotoropong- karolo ya 144: bakeng sa morero wa ho etsa bonnete ba hore batho ba ka angwang ba na le phihlello ho lesedi la ho ka ba kotsing ke merwallo, ho maotho ya ka thehang motse wa setoropo ha e ba neng meralo ya hae e sa bontshe, ka tsela e tlang ho kgotsofatsa lekgotla leo la tsamaiso, mela e bontshang boemo bo hodimo ba ho ka fihlellwa ke metsi a morwallo hang dilemong tse 100.
Mosebetsi wa ho phatlalatsa lesedi setjhabeng- karolo ya 145: i lekala la tsamaiso la metsi, ka ditjeho tsa lona, le tlamehile ho phahlalatsa lesedi le matsohong a lona ho setjhaba ka mokgwa o amohelehang ho ya ka a morwallo o etsahetseng kapa o tlang ho etsahala b komello e bileng teng kapa e tla bang teng; c tshebetso ya metsi e ka hlolehang kapa e hlolehileng, ha e ba ho hloleha hona ho ka beha maphelo kapa diphahlo tsietsing; d kotsi e nngwe le e nngwe e ka bakwang ke letamo; e bophahamo bo ka fihlellwang ke metsi a morwallo nako le nako; f kotsi tse ka bakwang ke boleng ba metsi a mang le a mang ho bophelo, ho bophelo bo botle kapa diphahlong, le g ntlha e amanang le metsi kapa mohlodi wa metsi e o setjhaba se tlamehileng ho e tseba. 2 Letona, moo ho kgonahalang le ka theha marangrang a tlhokomediso nako e sa le teng ka diketsahalo tse hlalositsweng ho karolwana ya 1.
Karolong ena, tshupiso ya lenane la dilemo tse seng kae le tshetlehilwe bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha molao wa metsi wa setjhaba naheng ka bophara. Lenane lena le amana le meralo ya bohlokwa ya hore lefapha le tlameha ho e lokisa ho ya ka molao wa tsamaiso ya makalale a setjhaba (sheba kgaolo ya 5).
Ho shebilwe boholo le ho kopakana ha ditshebetso tse ngata tse hlalositsweng, lenane le supa fela mme le se ke la nkuwa jwalo ka moralo o moholo e bile o thata. Lenale le tla lekolwa hape ho ya ka tsebo e fumanweng nakong ya pele ya leano la mohlodi wa metsi la naha (National Water Resourse Strategy) le diphetoho ha ho hlokahala ha NWRS e lekolwa?
Ditshebetso di kgobokantswe ka tlasa dihlopha tse nammeng: diketson tsa tshebetso; diketso tse amanang le dihlophiso tsa karolelano ya metsi le dinaha tsa boahelane le ho ahwa ha meaho.
Karolo ena e lokelwa ho balwa le karolo ya 9 ya kgaolo ena e fanang ka dipontsho tsa ditjeho tsa ditshebetso tse hlalositsweng.
Diketso tsa tshebetso di amana le diketso tsohle tse ntseng di tswela pele tse hlokahalang bakeng sa tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, paballo, tsamaiso le tsamaiso ya mehlodi ya metsi ya Afrika Borwa. Ho na le dihlopaha tse pedi tse sephara tsa tshebetso: diketso tsa tshebetso tse etswang ka nako tsohle; diKhomishene kapa ditheho tsa tshebetso.
Sehlopha sena se kenyeletsa diketso tse etswang ka dinako tsohle ha fela molao o ntse o le tshebetsong, mme di keneyeletsa?
Manane ka bong kamoo tsena di etswang ka tlasa ona ha di a tekwa tokomaneng ena.
Sehlopha sena se kenyeletsa diketso, tseo kaofela e leng dipehelo tsa molao, tse tla etswa hang fela mme di tla ba le pheletso (leha nakong tse ding di tla nka nako e telele) tshebetsong. Tsena di tsejwa jwalo ka tshebetso ya motheo mme di ikemiseditse ho phahamisa boemo ba paballo le tshebetso e potlakileng ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Ke tsa bophahamo bo boholo mme ha hona mehlodi ya ditjhelete le batho tse ka fumanehang ho di etsa ka nako e le nngwe dibakeng kaofela tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi tse 19. Ho tlatseletsa, di beilwe ka sehlohong ho bontsha tlhokeho le maemo sebakeng ka seng. Ditshebetso tse kentsweng sehlopheng sena ke tse latelang?
Tlhoko ya lengolo la tumello bakeng sa mang le mang.
Ho thehwa ha makala a tsamaiso ya dibaka tsa metsi.
Ho fetisetswa ha boikarabelo ba tshebetso bakeng sa meaho le phitiso ya tsamaiso ya meaho ho makala a tsamaiso.
Ho thehwa ha mekgatlo e metjha ya basebedisi ba metsi.
Katoloso ya marangrang a ho lekola a seng a le teng le marangrang a lesedi le ho thehwa ha a matjha.
Ho kenngwa tshebetsong ha pokello ya lekeno ho ya ka ditjeho tsa tsamaiso ya metsi.
Ho phethelwa ha phetolo ya doboto tsa nosetso ho ya ho mekgatlo ya basebedisi ba metsi.
Potlakiso ya kopo ka nngwe ya lengolo la tumello ho qoba tiehiso.
Maikemisetso ke ho phetela diketso tsena dibakeng kaofela tsa tsamaiso ya metsi nakong ya dilemo tse pedi.
Lenane la pontsho bakeng sa lengolo le hlokwang ke mang le mang, ho thehwa ha lekala le ikemetseng la tsamaiso ya dibaka tsa metsi le fitisetso ya boikarabelo bo amanang le meaho ho makala a tsamaiso ya metsi di tekilwe ho setshwantshong sa 3.8.1, 3.8.2 le 3.8.3 ka ho latelana. Lenane le lekotsweng le ka nna la tekwa kgatisong ya bobedi ya NWRS.
Ho mema le tekolo ha dikopo tsa lengolo la tumello.
Tokisetso ya manane la ho behella ka thoko metsi le ho buisana le setjhaba ka ona.
Ho tsebisa ha pehello ka thoko ya tshebediso ya metsi ka hara dikgatiso tsa mmuso.
Ho fana ka mangolo a tumello.
Naha e arotswe ka mehlodi ya metsi a hodima mobu le a ka tlasa mobu a ka bang 100 tekanyong ya dibaka tsa metsi bakeng sa lengolo la tumello le amang mang le mang.
Boholo bo o mohlodi wa metsi o leng ka tlasa kgatello ya ho sebediswa ho feta tekanyo.
Tlhokahalo ya metsi bakeng sa ntshetsopele ya mapolasi le phediso ya bofuma.
Potlako ya ho kenngwa tshebetsong dipehelo tsa polokelo bakeng sa tshebetso ya bophelo ba diphoofolo le dimela.
Tlhokahalo ya ho phithisa dipehelo tsa matjhaba le melao.
Dikamano mahareng a metsi a hodima mobu le metsi a mobung.
Phano ya mangolo a amang mang le mang e tla etswa dibakeng tse seng kae tsa metsi ka mokgwa wa teko. Tsebo e fumanweng boemong ka bong e tla thusa ka ditsela tseo phano ya mangolo a tumello e etswang ka yona dibakeng tse ding. Ho feta mona, marangrang a seng makae a metsi a mobung a tlasa kgatello a tla bewa sehlohlolong bakeng sa phano ya mangolo a tumello ho thibela tswelopele ya tshebediso e fetang tekano ya metsi le kgonahalo ya ho baka tshenyo ya nako e telele ya marangrang.
Dibaka tse hlano tsa tsamaiso ya metsi di se hlophilwe moo ho thehwa ha makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi a hlokahalang ka potlako. Tsena ke Inkomati, Olifants, Breede, Crocodile West le Marico, le Mvoti ho ya ho Mzimkhulu. Mokgwa wa ho lokisa ka ho thehwa ha tshisinyo ho ya ho letona e ntsheditswe pele sebakeng sa tsamaiso ya metsi sa Inkomati.
Ho ya ka ho rarahana ha sebaka sa tsamaiso ya metsi, nako e kana ka dilemo tse pedi ho ya ho tse tharo e dumelletswe bakeng tshebetso ya ho theha lekala le ho kgethwa ha boto ya tsamaiso. Dilemo tse ding tse hlano di ka nna tsa hlokahala bakeng sa ho etsa le ho theha botsamaisi bo phahameng ba lekala.
Setshwantsho sa 3.8.
Tsela tsa tshebetso tse lebeletsweng bakeng sa ho ka theha makala a ikemetseng a sebaka sa metsi?
Tsela e o nehenano ya ditshebeletso e ka phahamiswang ka teng ke makala a ikemetseng.
Ditebello tsa batho ba nang le seabo le boikemisetso ba bona ho ka nka karolo le ho tswela pele ka tshebetso ya motheo.
Ntlha tsa bohlokwa ho lenane le kopantsweng la tlhabollo ya mahae le manane a mang a mmuso.
Ntlha tsa bohlokwa tsa dilaesense tsa bakeng sa mang le mang sebakeng se itseng.
Phitiso ya bolaodi (ownership) ba matamo, dikanale le dipeipi ho makala.
Pholisi ya phitiso ya bolaodi ba meaho e welang ka tlasa mmuso e ntse e etswa. Ho ntse ho hlahlojwa ditlhophiso tsa makala bakeng sa tlhabollo ya meaho ya mehlodi ya metsi ka kakaretso, tlhabollo le tsamaiso ya dikema tse kenyellediteng matamo.
Ha jwale lenane le fana ka lesedi fela la diphitiso tse lohothuweng tsa ditshebetso le maikarabelo a tlhokomelo bakeng sa dikema tsa nosetso tse nang le meaho ya phahlalatso ya metsi - dikanale le dipeipi ho ya ho mekgatlo ya basebedisi ba metsi. Moo letamo e leng karolo ya sekema sa nosetso, tshebetso le mesebetsi ya tlhokomelo ya phahlalatso ya meaho e tla nehelwa ho mekgatlo, ha lefapha lona le tla tswela pele ho tsamaisa letamo. Boemo ba tshebetso ba mekgatlo ho ka kgoneneg ho ka sebetsa le ho nka maikarabelo a tlhokomelo bo tla lekolwa ka mora dilemo tse hlano pele ho ka fitiswa tsamaiso ya diphahlo?
Setshwantsho sa 3.8.3: Lenane le bontshang ho nehelanwa ka tsamaiso ya tshebetso le mesebetsi ya tlhokomelo ho mekgatlo ya basebedisi ba metsi.
Hona le mekgatlo e mehlano ya basebedisi ba metsi moo phitiso kamora dilemo tse hlano e bontshitsweng bakeng sa ho fedisa tshehetso ya ditjhelete ho balemi ba banyenyane ho ya ka leano la peho ya ditheko (sheba karolo ya 4 ya kgaolo ena), diphitiso tse ding di ka nka selemo fela.
Bokgoni ba mekgatlo ho ka nka maikarabelo.
Tsela e o nehelano ya ditshebeletso e ka ntlafatswang ka teng ke phitiso.
Tsela e o boemo ba meaho bo lekantsweng ka teng, le ka moo bo bonahalang ka teng bukaneng ya diphahlo.
Ditlamorao tsa boemo ba phitiso ya basebetsi ba lefapha.
Ho tla thehwa mekgatlo e metjha ya basebedisi ba metsi ha ditlhoko tsa metsi di ntse di phahama (sheba karolo ya 5 ya kgaolo ena). Ho tla ba bohlokwa ho theha mekgatlo e metjha ya basebedisi ba metsi bakeng sa dikema tse itseng ho ka nehelana ka ditshebeletso le tlhokomelo ho tsona, le ho nehelana ka diphahlo (meaho) nakong e o Pholisi e qalang ho sebetsa. Leano la ho ka theha mokgatlo ho noka ya Kat (lekaleng ya tsamaiso ya metsi ya 15-ho tloha ho noka ya Fish ho ya ho Tsitsikamma) le ntse le le motjheng, hape mokgatlo o motjha o tla hlokahala ho tshebetso le tlhokomelo ya sekema sa metsi sa mmuso sa noka ya Sterk (ho lekala la tsamasiso ya metsi la 1-Limpopo).
Ho hlahlojwa ha dikokwanahloko: Ho nama ha marangrang bakeng sa ho ka fihlella dibaka kaofela tsa tsamaiso ya metsi ho tla phetahala ka lemo sa 2007.
Tekolo ya dimela tse bolayang diphoofolo ka ho di tima moya: Katoloso ya marangrang ho tloha ho dipolokelo tse 50 ho ya ho tse 100 ho lebellwetswe ho phethewa lemong sa 2012.
Ho lekolwa ha maphelo a dimela le diphoofolo: Lenane lena le lebeletswe ho sebetsa sebakeng se le seng sa metsi provenseng ka nngwe ka selemo sa 2006 le ho ka hlahisa raporoto ya boemo ba dinoka tse kgolo ka selemo sa 2008.
Ho lekolwa ha tjhefo: Molao wa lenane le sebopeho o tla phethelwa ka selemo sa 2010.
Tekolo ya tjhehollo ya dielemente tsa dikhekikale: Moralo wa lenane, sebopeho le ho kenngwa tshebetsong, o tla phethelwa ka selemo sa 2012.
Tekolo ya metsi a mobung: Tataiso bakeng sa katoloso ya marangrang a naha a tekolo ho tloha ho ntlha tsa ha jwale tse 150 ho ya ho tse batlahalang tse 460 ho tla fumaneha ka selemo sa 2004, mme katoloso e rerilweng e tla lebellwa ho phethelwa ka selemo sa 2006. Ho kenngwa tshebetsong ho tla ba ka sehlohong bakeng sa ho tsamaisana le manane a dilaesense tsa bakeng sa mang le mang le dipehelo tsa ditshebeletso tsa metsi ho tswa mehloding ya metsi a mobung.
Karolo tsa metsi a ka hodimo ho mobu: Marangrang ana a matjha a ile a hokelwa kantorong ya lefapha la naha, mme ho lebeletswe hore a tla sebetsa ka botlalo dikantorong kaofela tsa mabatowa selemong sa 2004.
Boleng ba metsi: Marangrang a tsamaiso ya metsi a se a sebetsa kantorong ya naha ya lefapha le ho kantoro e le nngwe ya lebatowa. Ho lebeletswe hore a tla sebetsa ka botlalo lefapheng mahareng a selemo sa 2007.
Metsi a mobung: Marangrang ana a lesedi la metsi a mobung a hokeletswe kantorong ya lefapha la naha le ho dikantoro tse tharo tsa mabatowa mafelong a selemo sa 2002, mme ho lebeletswe hore a tla kena tshebetsong mabatoweng kaofela lemong sa 2004.
Tumello le ngodiso ya tshebediso ya metsi: Karolo ya marangrang a ngodiso e sale e le tshebetsong ho tloha ka selemo sa 2000. Tsela tsa ho lefisa ditjeho di kene tshebetsong ho tloha maqalong selemo sa 2010, ho fana ka dilaesense ho latetse ka selemo sa 2003. Dikgokahanyo le pokello ya masedi a laolwang ke mafapha a mang a tla thewa ka selemo sa 2004.
Lenane le bontshang ho thehwa ha makala a matjhaba ho tla phethelwa ha dipatlisiso tse mabopong le ho thehwa ha ditumellano tsa karolelano ya metsi di tekilwe ho setshwantsho ya 3.8.1. Ka hodimo ha metsebetsi e hlalositsweng ho setshwantsho, komiti tsa naha tsa pedi le tse ngata tsa matjhaba le dikhomishene, di ka buiisana ka ditumelano tse kang ho arolelana ka tsebo hara dinaha le keno mahareng ha tsamasiso ya metsi ho etseng bonnete ba hore ditabatabelo tsa dinaha tsena kaofela di a sireletswa. Keno mahareng ya tsamaiso ya mehlodi ya metsi di ka sebetsana le ntlha tse tshwanang le boleng ba metsi le nako ya ho phalla ka matla.
Setshwantsho ya 3.8.
Projeke ya metsi a dihlaba Lesotho-dikarolong tse ding tsa dipatlisiso tsa pele ho boitlamo.
Dipatlisiso tsa kgonahalo ya ho ka ntshetsopele ya ditlhabollo tsa metsi a Molopo-Mossopo.
Tumellano ya nakwana e tekennweng ya karolelano ya metsi.
Tumellano ya nakwana e tekennweng ya karolelano ya metsi.
Tumellano e phethahetseng ya karolelano ya metsi.
Ho ya ka maikarabelo a nehilweng lefapha a ho ka hlahloba ho hlokahala ha tshebetso tse kgolo tse jwalo ka matamo le moo ho hlokahalang meaho e kang diteishene tse fepelang metsi, dipeipi le dikanale bakeng sa ho ka fihlela ditlhoko tse lebeletsweng nakong e tlang. Dipatlisiso di thehile karolo ya mokgwa o kopanetsweng ho fumaneng ditharollo bakeng sa mathata a phumaneho ya metsi jwalo ka ha ho hlalositswe ho kgaolo ya bobedi, ho kenyeleditseng tsamaiso ya tlhoko tsa metsi le paballo. Dikema tsena di teng ho setshwantsho tsa 3.8.2; le 3.8.3 pheletsong ya karolo ena.
Ka kakaretso ke dikema fela tse boletsweng tse tlang ho hlokahala ka 2005 kapa pele ho moo. Dikgetho tse kgothaletsang, di kenyeleditswe mme ho bontshwa le dikgetho tse fumanweng ka nako ya patlisiso.
Dintlha tse ding ka tlhokeho ya dikema le kgetho tse ding di a fumaneha ho kgaolo ya 2 le ho sehlomathiso sa D. Ditlhabollo tse ding tse ka hlokahalang kamora selemo sa 2005 le tsona di fumaneha ho sehlomathiso sa D.
Dipatlisiso ka botlalo di tla etswa bakeng sa dikema tse ka tshwaetsang boemo ba dibaka tsa metsi kapa sebaka se le seng sa tsamaiso ya metsi nakong e o ho ralwang maano a tsamaiso ya dibaka tsa metsi. Lefapha le tla dula le ikarabela bakeng sa dikema tse ka amanang le dibaka tse ka fetang bonngwe tsa tsamaiso ya metsi, le dikema tsa bohlokwa tse nang le phepelo tsa matjhaba.
Dikema tse ho setshwantsho ya 3.8.2 di ne di lohothuwe bakeng sa mosebetsi o le mong wa ena e mmedi, e leng ho kgontsha ho ka thehwa ha dibaka tse ntjha tsa nosetso kapa ho ntlafatsa botsitso ba phepelo ho dikema tse teng tsa metsi ka nako e o metsi a fokolang. Dibaka tse ntjha tsa nosetso di ka kenyeletsa tlhabollo ya nosetso ho balemi ba ntseng ba hola.
Ho ka kgonahala ha bongata ba ho ba teng ha dikema ha ho se ho fihlellwe, mme ho ka etsahala hore di be theko e boima bakeng sa banosetsi ho ka lefa ditjeho tsa ho theha sekema, ho se sebedisa le ho se hlokomela. Dikema tse ding di ka kgoneha haebaneng tshehetso ka ditjhelete e le teng bakeng sa ho ka fihlella ditjeho tsa ho theha moaho. Le ha ho tshehetsa ka ditjhelete ho ka tswela pele bakeng sa ho thusa balemi ba ntseng ba hola, ha jwale ha e so be Pholisi ya mmuso ho tshehetsa ka ditjhelete temo ya nosetso ya dibaka tse kgolo. Tshwaetso ya dikema tsena ho setjhaba le tikoloho ha e soka e batliswa.
Hantlentle ha ho na nako e beilweng bakeng sa dikema tse sisintsweng. Empa ha Pholisi ya mmuso e ka fetoha mabapi le tlhabollo ya nosetso ya temo, dikema di ka phethelwa ho ya ka nako tse bontshitsweng. Nako tsena di fana ka nako bakeng sa moralo le kaho ya dikema, le kelo hloko bakeng sa nako e sebedisitsweng bakeng sa ho ka rala mosebetsi o entsweng. Dinako tsa ho ka phethela mosebetsi ona ha di kenyeletse e o di e nkang bakeng sa basebetsi ho ka nka tsamaiso kamora ho phethela lebota letamo.
Dikema tse thehelwang merero ya mahae, ditoropo kapa bakeng sa merafo.
Dikema tse ho setshwantsho ya 3.8.3 di ntse di hlahlojwa kapa di hlahlobilwe ho ya ka tlhoko tsa metsi tse bontshang hore di tlotse metsi a teng kapa di tla tlola metsi pele ho 2025. Nako ya ho phetela sekema se seng le se seng e a bontshwa. Dikemang tsa metsi, dinako tsa ho ka phethelwa di kenyeleditse nako ya moralo le ya kaho, le ho kenyeletsa nako ya dipatlisiso, empa ha di kenyeletse ho etswa mmoho ka nako e le nngwe ha moralo le kaho dikemang kaofela.
Ho tlamehile ho elwe hloko hore nako tsa tlhoko ya metsi di na le dipehelo tsa ho ka fihlelwa ditlhoko tsa polokelo. Hona ho tla nka nako ho ka kena tshebetsong ka botlalo. Dinako tsa ditlhoko ha di fane ka sebaka bakeng sa ho kenya tshebetsong paballo ya metsi le mekgwa ya tsamaiso ya ditlhoko. Ditlamorao tse kopantsweng tsa hot tswella peele ho Kenya tshebetsong ditlhoko tsa polokelo le mekgwa ya tsamaiso ya tlhoko tsa metsi, hangata hona ho diehisa phepelo mme ho etse hore ho tlolwe nako ya ho phetela mosebetsi. Ditiehiso ha ngata ha di a ballwa nako, mme hona ho etswe hloko ke lefapha.
Dikema tse latelang ke tsa bohlokwa tse batlisisitsweng, empa ha di a kenyeletswa setshwantshong ya 3.8.
Projeke ya metsi ya Thukela bakeng sa ho fetisa metsi ho tswa ho noka ya Thukela ho ya ho noka ya Vaal ho ka fihlela tlhoko tse phahameng dibakeng tsa diindasteri le ditoropo Gauteng le dibakeng tse e potapotileng. Sekema sena se lebelletswe ho ka hlahisa palo e lekanang le 500 million m3/a, e kopantse kaho ya matamo dinokeng tsa Thukela (bakeng sa Mielietuin) le ho fetiswa ha ntho tse metsing. Mekgwa e meng e ka fihlela kgolo ya tlhoko tsa metsi ho Vaal ke diphitiso tsa metsi tse sisintsweng ho tswa letamong la Mashai (karolo ya 2 ya projeke ya metsi a dihlaba Lesotho) le letamong le ho Orange/Kwaai (sebakeng sa Boskraai) ho ya ho sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Upper Orange.
Setshwantsho sa 3.8.
Tlhokeho ya tlhabollo e tla itshetleha ka kgolo ya ditlhokeho le ditshaetso ho setjhaba le moruo. Tshaetso tse ka bang teng naheng ya Mozambique di tlamehile ho elwa hloko.
Tlhabollo e ka kopanelwang le Namibia.
Dipatlisiso di ntse di tswela pele.
Sheba karolo ya 3.8.2.
E bang ho sa bontshwa, ditekanyo tsa tlhahiso kapa koketso ho tlhahiso ke tsa Hlakola 2003. Di tsamaisana le dipalo tsa phumaneho ya metsi ho NWRS. Di tla tjhoriswa e bang projeke e ka tswela pele?
Letamo le se le tjhaetswe monwana bakeng sa kaho. Ho ka eketswa ka ho faposwa metsi ho tswa ho noka ya Molenaars.
Phahamiso ya sebaka sa Kapa.
Setshwantsho sa 3.8.
Sheba karolo ya 3.8.2.
Ho kenyeletswa ha kgetho ha ho bolele boitlamo ba ho ka tswela pele ka tlhabollo ya sekema, ntle le haeba se tjhaetswe monwana.
E bang ho sa bontshwa, ditekanyo tsa tlhahiso kapa koketso ho tlhahiso ke tsa Hlakola 2003. Di tsamaisana le dipalo tsa phumaneho ya metsi ho NWRS. Di tla tjhoriswa e bang projeke e ka tswela pele?
Letamo le se le tjhaetswe monwana b akeng sa kaho. Ho ka eketswa ka ho faposwa metsi ho tswa ho noka ya Molenaars.
Phahamiso ya sebaka sa Kapa.
Setshwantsho sa 3.8.
Sheba karolo ya 3.8.2.
Ho kenyeletswa ha kgetho ha ho bolele boitlamo ba ho ka tswela pele ka tlhabollo ya sekema, ntle le haeba se tjhaetswe monwana.
E bang ho sa bontshwa, ditekanyo tsa tlhahiso kapa koketso ho tlhahiso ke tsa Hlakola 2003. Di tsamaisana le dipalo tsa phumaneho ya metsi ho NWRS. Di tla tjhoriswa e bang projeke e ka tswela pele?
Ho kenngwa tshebetsong ha maano a hlalositsweng karolong ya pele ya NWRS ho tla hloka thuso e keneletseng ya tshehetso ya ditjhelete. Maikemisetso a karolo ena ke ho hlalosa ka bokgutswane ditlamorao tsa ditjhelete ka bophara tsa diketso tse hlokahalang bakeng sa ho kenya tshebetsong dipehelo tsa molao wa metsi wa naha le ho hlahisa dihlophiso bakeng sa tshehetso ya ditjhelete.
Ditjeho tsohle tse beilweng le lekeno, tseo di tla nkwang jwalo ka sesupo, di fumantshwa ka boemong ba ditjeho tsa 2002 kantle le hore hona ho fetolwe. Di amana le ditshenyehelo tse tla etswa le lekeno le tla etswa lefapheng le makaleng a tsamaiso ya metsi ha di ntse di etsa mosebetsi le boikarabelo ho ya ka molao.
Le ha ho le jwalo, ke taba e amohetsweng hore mosebedisi ka mong le botsamaisi ba metsi le makala a ditshebeletso tsa metsi di tla ba le ditshenyehelo tekong ya ho latela dipehelo tsa molao. Ho etsa mohlala, tjhelete eka nna ya hlokwa bakeng sa mesebetsing e tshwanang le ho boloka phitiso ya metsi, ho tsetela, ho hlwekisa dikgwerekgwere kapa metsi a nang le dikgwerekgwere pele a ntshetswa mohloding wa metsi, tlhabollo kapa ho kenya ho hong tshebetsong ho marangrang a phepelo ele karolo ya lenane la tsamaiso ya ditshenyehelo le ho rekwa ha ditokelo tsa tshebediso ya metsi ho eketsa ho boloka ha ditjeho tsa tshebediso ya metsi. Diketso tsa ho lekola ho latela dipehelo tsa lengolo la tumello ya ho eketsa tlhokahalo ya ditjeho tse ding tsa tshebetso. Tlhokahalo le boholo ba ditjeho tsena ha bo so phahlalatswe.
Ditshenyehelo di kgobokantswe ka dihlopha tse pedi tse phahlaletseng. Ya pele, ditjeho tsa mesebetsi ya tshebetso tse amanang le tshireletso, tshebediso, paballo, ntshetsopele, tsamaiso le tsamaiso ya mohlodi wa metsi wa naha. Ya bobedi, tjeho tsa ditjhelete tsa ho aha meaho ya mohlodi wa metsi.
Karolo ena e lokelwa ho balwa ho karolo ya 8 kgaolong ena, e buwang ka lenane le lebeletsweng bakeng sa mesebetsi moo ditshupiso tsa ditjeho di hlahisitsweng teng.
Ditjeho tsa tshebetso di kenyeletsa ditshenyehelo tsohle tsa diketso tse ntseng di le motjheng bakeng sa tshireletso, tshebediso, paballo, ntshetsopele, botsamaisi le tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Ditshupiso tsa ditjeho di tekilwe ho dihlopha tse pedi tse kgolo tsa ho etsa mosebetsi. Ke diketso tse etswang nako tsohle le diketso tse amanang le setheo se hlalositsweng karolong ya 8 ya kgaolo ena. Ho lokelwa ho hlahiswa hore bongata ba diketso tsa ditheo di tla atolosetswa dilemong tse leshome tse tlang.
Ditjeho tsohle tse lepilweng bakeng sa tlhokeho ya tshehetso ya ditjhelete ya tshebetso ya nako tsohle ke dimiliyone tse 1 800 tsa diranta.
Ditjeho tsena ke dimiliyone tse 200 tsa diranta tse fetang dipehello ka thoko tsa ditekanyetso tsa lefapha bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2002/3. Ho hlokahala tjhelete ya tlatsetso ho netefatsa hore tse ding tsa ditshebetso di etswa ka tlasa tsamaiso ya karolo e hokahantsweng ya dibaka tsa metsi ya molato wa thekisetsano ya metsi (sheba ka tlase) ntshetsopele ya maano a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, tsamaiso ya tshebediso ya metsi, tsamaiso ya boleng ba metsi, paballo ya metsi le tsamaiso ya tlhokahalo ya metsi, tsamaiso ya polokeho ya matamo, le tshehetso makaleng a tsamaiso ya metsi di ka nna tsa kenngwa tshebetsong boemong bo phahameng?
Le ha ditjeho tsa bongata ba tshebetso ya dinako tsohle e hlalositsweng ka hodimo di le bonolo ho di lekanya ha ho shebilwe dilemo tsa tsebo ya tshebetso, ditshebetso tsa ditheo ha di esoka di kenngwa tshebetsong nakong e fetileng mme ditjeho tsa ditshebetso tsena di lokela ho nkuwa fela e le tse supisang boemong bona. Dilemong tse 15, bolepi ba ditjeho tsa tshebetso ya ditheo bo lebeletswe ho fihla ho diranta tse ka bang 1 500 tsa dimilliyone ka selemo bo nyane. Mosebetsi wa ho fihlella ditekanyo tse nepahetseng le ditjeho o sa lokelwa ke ho etswa.
Jwalo ka ha ho hlalositswe karolong ya 8 ya kgaolo ena ditshebetso tsa ditheo di kenyeletsa ho kenngwa tshebetsong ha phumantsho ya mangolo a tumello e amang batho bohle, ho theha makala a ikemetseng a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, ho fetisetsa boikarabelo ba tshebetso ba meaho (mme qetellong ho fetisetsa tsamaiso ya meaho) ho makala a tsamaiso ya metsi, ho thehwa ha mekgatlo ya basebedidsi ba metsi le katoloso ya marangrang a tekolo le a lesedi le ho theha a matjha, ho kenya tshebetsong ha ditjeho tsa tsamaiso ya metsi, phethelo ya ho fetolwa ha diboto tsa nosetso ho ya ho mekgatlo ya basebedisi ba metsi le ho sebetsana le ho salla morao ha dikopo tsa phumantsho ya mangolo a tumello.
Bolepi ba ditshenyehelo tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi di ama fela matsete, a hlalositsweng karolong ya 8 ya kgaolo ena, tse ka nnang tsa hloka, jwalo ka diporoje tse kentsweng tshebetsong phatlalatsa, ho fepela basebedisi ba bangata ba fapaneng nakong ya dilemo tse 20 ho isa ho tse 25.
mesebets ya metsi e metjha ya mmuso disupiso ta ditjeho bakeng sa ho aha dikema tse kgolo tse hlalositsweng karolong ya 8 ya kgaolo ena di tekilwe setshwantshong ya 3.9.
Ka lebaka la boholo le bohlokwa ba sekema bakeng sa fetisa metsi a mang nokeng ya Vaal, setshwantsho se kenyeletsa le dithjeho tsa nakwana boleping ba ditjeho bakeng sa projeke ena. Leha bolipi ba jwale bo bontsha hore ho ka se etsahale ha bonolo hore di hlokahale pele ho 2025 sekema se ka nna sa qalwa nakong ena ya moralo.
Ho lokelwa ho tsitlallewa hore keneyeletso ya sekema ka hara setshwantsho ho supa fela hore ho entswe dipatlisiso ka sona jwalo ka e nngwe ya ditsela tsa lokisa bothata ba phumaneho ya metsi. Kenyeletso ha e supe boitlamo ba ho tswelapele ka sekema, le hore ha se kgetho e kgothaletswang, le hore e ya kgonahala, hoba e ka nna ya e ba hore maemo a fetohile haesale dipatlisiso di etswa.
Maemo ohle a bolepi a kenyeletsa ditjeho tse feletseng tsa polokelo ya metsi mangata le ditjeho tse amanang le phokotso ya kameho ya tikoloho le leaho, empa hona ha ho bontshe tsa phitiso le ditjeho tsa disebediswa tsa phitiso. Bolepi ha bo a kenyeletsa ditjeho tsa tlhabololo ya melapo e motheong jwalo ka meaho ya ho hlwekisa metsi, dipompo kapa moo ho iswang metsi moo a hlokahalang teng, le bakeng sa ho lema mobu bakeng sa dikema tsa nosetso.
Setshwantsho sa 3.9.
3 Kantle ho diprojeke tse ntseng di ahuwa (sheba ntlha ya 4) pontsho ya ditjeho (tse ding tsa tsona ke tse lekantsweng dilemong tse fetileng) di lokisitswe mane le mane bakeng sa boemo ba lemo sa 2003. Tsepamo ditekanyong tsena e itshetlehile ho boemo ba dipatlisiso tse latelang?
Tekolo: Tsela tse nang le bokgoni ba ho ka sebetsa di batlisiswa boemong bo tlase ho ka hlwaya tsela tse ka sebetsang le ho lekanya kgonahalo ho ka tswella pele ka dipatlisiso.
Ho qalwa ka dipatlisiso: Tsela tse ka sebetsang di a hlahlojwa ka botlalo mme ho kgethwe e le nngwe ya tsona.
Ho ka tswela pele: Ke dipatlisiso tse keneletseng tsa moo ho hlahlojwang sebaka ho ka netefatsa tsela tsa setekgeniki, setjhaba, moruo le ditjhelete.
Ditjhelete bakeng sa tlhabollo ya meaho di tla hlokahala ho atolosa marangrang a ditekolo tsa naha jwalo ka ho hlalositswe karolong ya 7 ya kgaolo ena.
Tshebedisong ya mahlale a jwale a ho lekola, ditjhelete tse hlokahalang bakeng sa ho atolosa marangrang ho fihla boemong bophameng e ka ba ditjehong tse kana ka 1 300 miliyone dilemong tse 20 ho ya ho tse 25 kapa tse 60 miliyone ka selemo. (Dipehelo bakeng sa tsena dipehellobg ka thoko tsa 2002/3 di fihlile ho R 2 miliyone).
Ditjhelete di sa hlokahala bakeng sa tlhabollo dikema tse seng di le teng tsa mmuso, tsoseletso ya dikadimo tse teng, tshehetso ya ditjhelete mekgatlong e thehilweng ke molao (ho fetisa ditefo) le dith0to tse kgonang ho tsamaiswa jwalo ka disebediswa tsa ho lekola.
Bolepi ba ditjeho tsohle nakong ya dilemo tse 20 ho ya ho tse 25 di ka fihlella ho R 1 430 ka selemo, ka tsela e latelang?
Ha jwale mesebetsi ya tsamaiso ya metsi ya lefapha e fumana tshehetso e kgolo ho tswa ho makala a mekgatlo ya ditjhelete: pehelo ka thoko ho tswa akhaontong (account) ya makala a mmuso, le lekeno ho tswa akhaontong ya thekisetsano ya metsi. Hape lefapha le tshehetswa ke mekgatlo ya ditshehetso wa matjhaba.
Lekeno le tswang ho tefiso ya tshebediso ya metsi?
Lefapha le fumana lekeno ho tswa lekenong la ditjeho tsa ditshebeletso tsa metsi tse entsweng ho ya ka leano la dipehelo tsa metsi ho tswa akhaontong ya lona ya thekisetsano ya metsi. Maikemisetso ke ho lefisa ditshenyehelo tsohle tse entsweng, leha akhaonto ya thekisetsano ya metsi ha jwale e sebetsa ka ho lahlehelwa. Mekitlane e lefiwa ka ho hodisa dipehelo ka thoko tsa makala akhaontong ya mmuso (exchequer account).
Lefapha le tla tswela pele ho tsamaisa akhaonto ya thekisetsano ya metsi ho fihlela makala a tsamaiso ya dibaka tsa metsi, mekgatlo ya basebedisi ba metsi le makala a tsamaiso ya meaho tse ka thehwang di fuwa matla a ho bokella lekgetho ho tswa ho basebedisi ba metsi ho ya ka leano la peho ya theko la metsi.
Karolo ya ditshebeletso tsa metsi tsa akhaonto ya thekisetsano ya metsi e sebetsana le dikema tse fepelang metsi haholoholo bakeng sa tshebediso ya ka mahaeng. E behetswe ho kwala ka 2005/6 ho latela phitisetso tsa dikema tsa ditshebeletseo tsa metsi ho mmusong wa mahae ho ya ka karolelano ya molao wa lekeno (Division of Revenue Act) ya 2002, empa ha e ya ngolwa mona.
Naka le nako dinaha tse ding di thusa lefapha ka ho tshehetsa ka ditjhelete. Ka tlwaelo, sena se etswa ho tshehetsa diprojeke tse itseng. Batshehetsi ba bang ba itlamme ho fana ka tshehetso ya dilemolemo. Lefapha le dula le kene dipuisanong ka nako tsohle bakeng sa ditshehetso le batshehetsi ba matjhaba, empa ditjhelete tsa batshehetsi di theohile dilemong tse mmalwa tse fetileng mme hona ho ka nna ha lebellwa ho ata. Hona ho etsahala ka ntle le hore hobe le manane a tshebedisano mmoho boemong ba lebatowa tse ka bang molemong wa bohle lefatsheng, jwalo ka tshireletso ya dimela le diphoofolo tse fapaneng tikilohong le tekolong ya metsi.
Dilemong tse ka bang 10 ho isa ho tse 15 tse tlang, boholo ba tshebetso le maikarabelo a tlhabollo bo tla nehelwa makala a tsamaiso ya metsi. Diphethoho tsa makala di tla ama ditlhoko tsa lefapha tsa ditjhelete le phallo ya lekeno.
Diketso tsa ditshebetso ho fetisetswa ha boikarabelo ba tsamaiso ya mohlodi wa metsi ho makala a tsamaiso ya dibaka tsa metsi ho tla kenyeletsa ho fetisa ditjeho le lekeno tse amanang le karolo ya tsamaiso ya dibaka tsa metsi e hokahantsweng le akhaonto ya thekisetsano tsa metsi. Karolo ena ha jwale e a lahlehelwa. Ka ho tshwana, ho fitiswa ha boikarabelo ba ditshebetso le ho lokiswa bakeng sa dikema tsa ho nosetsa ho mekgatlo wa basebedisi ba metsi ho tla kenyeletsa phitiso ya ditjeho le lekeno tse amanang le karolo ya phepelo ya metsi a mangata (Bulk Water Supply companent). Karolo ena le yone e lahlehelwa haholo.
Ditefiso tsa tshebediso ya metsi ho ya ka leano la dipehelo tsa theko ya metsi, le tla eketsa phallo ya lekeno ho tsamayeng ha nako ka ho kenya tshebetsong lekgetho (tariffs) le hlahisang ditjeho tsa nnete tsa ditshebediso tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, le ho atolosa motheo ba basebedisi ho tswa moo tshehetso ya ditjhelete e tla ho tswa teng. Lefapha le kentse tshebetsong ditefiso tsa tsamaiso ya metsi ho ya ka leano la dipehelo la 2002 mme le tla tswela pele ho sebedis a leano lena ka tsela ya mekgatlelo. Mosebetsi o moholo o tla etswa ho phahamisa le ho ntshetsapele boemo ba pokanyetso ya lekeno hore qetellong ho se hlokahale ho etsa dipehello ka thoko ho tswa akhaontong ya mmuso ho hodisa lekeno.
Lefapha le tla tshehetsa makala a tsamaiso ya metsi ha a nka boikarabelo ba ho bokeletsa lekeno. Le ha ho le jwalo, ho fihlela makala a tsamaiso ya metsi a se a kgona ho itshehetsa ka ditjhelete, ho tla ba le phumantsho ya tshehetso ho tswa akhaontong ya mmuso ho lefa ditahlehelo.
Mokgwa wa tshebetso wa ho theha le ho ntshetsapele makala a tsamaiso ya dibaka metsi le phumantsho ya mangolo a tumello o tla hloka dipehello ka thoko ho tswa akhaontong ya mmuso, ho tsetela ntshetsopeleng ya bokgoni ba makala ho itshehetsa tsamaisong ya mohlodi wa metsi.
Nako le boholo ba tshehetso e tswetseng pele ya ditjhelete ho makala a tsamaiso ya metsi o tla hlaka ha lefapha le ntse le fumana tsebo ho tswa ho kenyeng tshebetsong ha diteko. Tabatabelo ke ho kenya tshebetsong ditshebetso tse hlalositsweng leanong ka ntle le keketso ditshehetsong ho tswa akhaontong ya mmuso.
Ho ya ka Pholisi ya naha, boholo ba ntshetsopele ya meaho bo hlokahalang ho tshehetsa tshebetso tsa moruo, bo lokelwa ho tshehetswa ka ditjhelete ho tswa ka ntle ho ditekanyetso ho tswa ditefong tsa basebedisi. E nngwe ya maikemisetso ya ditekolo tsa jwale tsa dihlophiso tsa ho hlabolla le tsamaiso ya meaho ya metsi ke ho etsa ditshisinyo tsa mokgwa o hokahantsweng wa ho tshehetsa ka ditjhelete bakeng sa matsete. Ho thehwa ha meaho ya lekala la naha la tsamaiso ya mohlodi wa metsi kapa makala a seng makae a mabatowa (sheba karolo ya 5 ya kgaolo ena) e ka theola haholo tlhokeho e otlolohileng ya tshehetso ya mmuso ho mosebetsi ya hlokang ditjhelete ka ho potlakisa phallo ya ditshehetso tse ka ntle ho ditekanyetso.
Tekolo e ntse e batlisisa mekgwa ya ditshehetso bakeng sa matsete moo nako e telele ya ho lefa kapa bareki ba fokolang ka ditjhekete ba thatafatsang hore mokgwa wa ho etsa tshehetso tsa ditjhelete tsa projeke e seke ya sebediswa. Ditshehetso tse ding tse tswang mmusong di ntse di tla hlokahala bakeng sa tlhabollo ya dikema tsa mofuta ona, tse ikemiseditseng haholoholo bakeng sa ho nosetsa, leaho, ho theola dokoduwa kapa bakeng sa tikoloho, kapa ho latela melao ya matjhaba. Tshehetso ho tswa akhaontong ya mmuso e tla nne e hlokwe bakeng sa ditjeho tsa ho atolosa marangrang a ditekolo.
Ha ebe dikema tsohle tsa ho nosetsa tse hlwailweng setshwantshong ya 3.9.1, le meaho e hlokahalang ho atolosa marangrang a ditekolo, di tla be di ahilwe dilemong tse ka bang tse 20 ho isa ho 25, mme ha ebe tsena di tsheheditswe ka ntle ho ditekanyo (off-budget) bongata ba tjhelete ya ditshehetso ho tswa akhaontong ya mmuso ka selemo e ka eba R145 ya dimiliyone; R 85 ya dimiliyone ya dikema tsa phepelo ya metsi le R 60 ya dimiliyone ya meaho ya ditekolo.
Haeba lekala la meaho ya mohlodi wa metsi le thehilwe ho tlameha hore ho kgonahale ho kenya tshebetsong lenane la ho itshehetsa le ikemiseditseng ho aha meaho e hlokahalang. Leha ho le jwalo, ha eba lekala le thehilwe ka thoko ka hara lefapha bakeng sa ntshetsopele le tsamaiso ya meaho e meholo ya diprojeke tse ntjha le ditjhelete tse tla sebediswa, di tla lokela ho tswa ka ho otloloha akhaontong ya mmuso ka tlasa dihlophiso tsa tsamaiso ya ditjhelete ya jwale. Ha eba dikema tsohle tse hlwailweng setshwantshong ya 3.9.1 e le boholo tsa tshebediso ya makala, ditoropo, indasteri le merafo tse ahwa dilemong tse 25 tse tlang, ditjhelete tse tla hlokahala ka selemo e tla ba R 755 tsa dimiliyone.
Ho tshwanela ho hlokomelwe hore matsete a mangata a tjhelete nakong ya pele a ne a hlaha dibakeng tse ding tseo e seng mokotla wa naha wa tjhelete.
Tsamaiso ya metsi ho tswang Metsing a Dihlaba a Lesotho e tswa tjheleteng e kadinngweng letloleng la Tsans-Caledon Tunnel Authority, e leng mokgatlo o thehetsweng morero ona. Hape mokgatlo ona ke wona o ileng wa etsa tonnoro e parolang Lesotho le Afrika Borwa. Dikadimo tsena tsa ditjhelete di ananetswe ke mmuso wa Affrika Borwa di tswa tjheleteng e bokelletsweng ke Lefapha la tsa Metsi ka Lekwa mme di ntshwa Letlole lena.
Ho ahwa ha letamo nokeng ya Usuthu ho fehla motlakase le merero e meng, hona ho tsheheditswe ka ditjhelete ke Eskom.
Matlole a mang a tshwanang le ana a ka nna a se ke a eba teng bakeng sa ho ha etsa merero ya pele nakong ya NWRS mme ho eketseha ha ditjhelete tsa Exchequer ho ka nna ha hlokeha.
Ho tswa ditabeng tswe ka hodimo, ho hlakile hore dipehelo tsa Pholisi ona di ka kenngwa tsebetsong sehleng sona sena sa ditjhelete. Boholo ba Exchequer ba nakong e tlang ho tla itshetleha hodima katleho ya Lefapha ya ho fumana ditefello tsa metsi babapi le leano la lefapha la ho etsa ditheko.
Tekolo e entsweng pele e supa hore ditlhoko tsa mmuso tsa merero ya metsi e ka ba R900 milione ka selemo. Ebang ho ka ba le diphetoho tse tswanetseng, karolo e kgolo ya tjhelete ena e ka ntshwa bajeteng. Ebang sena se sa etsahale, ho ka tshwanela ho nyollwe tjhelete e tswang ho Exchequer.
Ho rupella le ho fana ka botsebi batho ba sebetsang lefapheng la tsa metsi: lenaneo la lefapha la metsi moo lefapha le nkang karolo e batsi ho tshebedisano-mmoho le mekgatlo e meng ka hara lefapha.
Ho ruta le ho hlokomedisa batho ba bang ba amehang: mananeo a lefapha a ho utlwa maikutlo a setjhaba, dipuisano le thuto.
Diphuputso tse amang metsi di rerwa le ho hlophiswa ke Khomishini ya Diphuputso tsa Metsi ka tshebedisano le Lefapha la Metsi mmoho le mekgatlo e meng e amanang le ditaba tsa metsi.
Le ha e le mona ditaba tse ngata di sa hlokwe haholo ke Pholisi ona, di a hlokeha bakeng sa ho kenngwa tshebetsong nakong e tlang. Ditsela tse sebediswang ho rupella batho di qoqwa boemong ba naha ka kutlwisiso ya hore di ka kenngwa tshebetsong boemong ba selehae ka kopanelo le mafapha a mang a amehang mmoho le mekgatlo e meng e ikemetseng.
Ebang ho se batho ba lekaneng ba rupelletsweng, mawala ohle ao Pholisi wa ditaba tsa Metsi o lekang ho a kenya tshebetsong a ke se atlehe. Lebaka le leng le tla etsa hore mawala a Pholisi ona a nke nako ke hore ka motsotso ona, ha hona batho kapa tjhelete e lekaneng ho kenya maano ohle a wona tshebetsong. Ho a hlokeha hore thupello e lekaneng e ka etswa hore molao ona o tle o atlehe.
Tsamaiso ya ditaba tse amang metsi e se e le ka tsela e qosang hore batho ba be le tsebo e batsi dinthong tse ngata tse sa tsamaelaneng. Ho rupellwa ha batho ba sebetsang kapa ba tla sebetsa ditabeng tsa metsi ho ananelwa ke Leano la Mmuso la Metsi e le ntho ya bohlokwa haholo ho tsedisets amele leano la metsi Afrika Bowa.
Ho theuwe moifo o ikarabellang leanong la ho rupella batho lefapheng la tsa metsi. Lefapha le bapala karolo e kgolo leanong lena. Leano lena le bolela hore, ka nako e ka etsang dilemo tse 15 batho kaofela ba nkang karolo ditabeng tsa metsi, maemong a kang, muso wa selehae, Mokgatlo o ikarabellang thutong ya ditaba tsa metsi, ho tla be ho se ho entswe mekutu yohle hore melao e hlokehang e kengwe tshebetsong.
Mosebetsi wa moifo ona o tla itshetleha tabeng ya thupello le boitsebelo ba batho ba ikarabellang ditabeng tsa metsi. Batho ke bona bao ho tla toboketswa ho bona: ntshetsopele ya bokgoni, tsebo le monahano o hlokehang ho tshehetsa disebediswa, dibaka, tsamaiso ya tsebo le tlhahisoleseding mmoho le tsamaiso e hlokehang ya ka ditjhelete hore ho tle ho tswedisetswe pele tsamaiso ya ditaba tsa metsi. Ho se ho le teng ditaba tse kgothatsang mabapi le taba ena, ka hore ho be teng dithuto tse ntjha tse phahameng tse fumanwang diyunivesithing tse fapaneng. Dithuto tsena di tla tshehetswa ke Khomishene ya Diphuputso tsa Metsi (sheba ka tlase). Ho siya moo hona le dithuto tse ding tse kgutshwanyane tse fumanwang maemong a fapaneng tse fanwang ke Yunivesithi ya Leboya lefapheng la National Water and Sanitation Training Institute.
Ho feta moo mawala ohle a lokela ho shebana le dintho tse kang merabe, bong le hore na motho o itekanetse kapa tjhe. Leano le Lefapha la dibasari le shebane le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba a thuseha.
Karolo ya bohlokwa ya leano lena ke ho etsa hore ho ba teng dikgokahano tse loketseng pakeng tsa batho ba amehang. Ho se ho nkuwe mehato e loketseng mabapi le taba ena ka hore ho etswe se bitswang Framework Programme for Education and Training in Water, e leng se tla etsa hore ho fumanwe tshehetso le hore ditjhelete di be teng ho thusa diyunivesithi, dibaka tsa ho etsa diphuputso, mmoho le mafapha a mmuso le eo e seng a mmoso.
Leano lena le tla ikamahanya le maano a mang a mafapha a mang a ka tshebediso yo molao o tliswang ke South Africa Qualifications Framework wa 1995 Pholisi wa thupello ya bokgoni wa 1998 mmoho le Pholisi wa ho Ditefello tsa Ntshetsopele ya Bokgoni wa 1999.
Hona le dikarolo tse ngata Molawaneng ona tse hlokang hore ho ipotsetswe setjhabeng dinthong tse hlokang ho kenngwa tshebetsong. Dikarabo tsohle tse fumaneweng di lokela ho nkelwa hloohong.
TSe ding tsa dipheo tsa Pholisi ona ke hore mesebetsi e itseng ya Lefapha e tloswe Lefapheng mme e iswe dibakeng tse ding (sheba karolo 5 Kgaolo 3). Dibaka tsena di tla lokela hore batho ba amehang ditabeng tsa metsi ba nke karolo tsamaisong ya ditaba tse amang metsi.
Hore basebedisi ba metsi le batho ba bang ba nkang karolo ditabeng tsa metsi ba tle ba kgone ho ba le tsamaiso e ntle, ho lokela ba utlwisise hore se hlokehang ke eng. Le ha ho le jwalo, basebedisi le batho ba itseng ba na le ho se nke karolo ka tsela e hlokehang ha ba sa tshetswe hantle, haholo ba tswang dibakeng tse neng di sa fumantshwe thuso pele kapa tse futsanehileng. Hlahlobo ya ba nka-karolo e bohlokwa hore sena se etsahale.
Lefapha le tla nne le etse mekutu yohle ya hore bohle ba amehag, haholo ba tswang dibakeng tse mathoko, ba nke karolo ka tsela e hlokehang. Ba tla thuswa hore ba utlwisise seo ho buuwang ka sona.
Lefapha le a elellwa hore batho ba amehang ba ka nna ba imelwa ke ditaba tseo ba botswang dipotso ka tsona. Ka tsela ena, ho bohlokwa ho theha mokgatlo wa baemedi ba batho bana dibakeng tse fapaneng hore ho tle ho buisanwe le bona ka ho otloloha. Meifo e tjena e ka bapala karolo ya bohlokwa haholo.
Lefapha le entse mehato e ka latelwang hore setjhaba se nke karolo jwang ditabeng tsa metsi.
Lenaneo la Thuto la Metsi (le neng le tsejwa ka la 20/20 Vision for Water Programme) le reretswe ho hlokomedisa maAfrika Borwa ka taba ya hore metsi ke sesebediswa se sa fumaneheng ha bonolo le hore a se sebedise hantle.
Ho etsa hore batho ba utlwisise ditaba tse amang metsi haholwanyane.
Ho etsa hore batho ba baballe metsi.
Ho etsa hore dithuto tse amang metsi di be teng dibakeng tsa borutelo.
Ho kenyelletsa thuto ya tikoloho mananeong ohle a lefapha.
Ho tlisa tshebidisano bathong bohle ba amehang ditabeng tsa metsi, mona lapeng le mose.
Hasesale lenaneo lena le thehwa ka selemo sa 1996 le se le fihlelletse dikolo tse ka hodimo ho 10 000 mme le reretswe ho finyella dibakeng tsa thuto e phahameng. Baithuti ba ithuta ka tshebediso le melemo ya metsi le ho etsa diprojeke, hore ho ka baballwa metsi jwang le hore ke afe metsi a loketseng ho sebediswa ke batho. Hape ba kgothaleswa ho arolelana tsebo ena le setjhaba ka kakaretso.lenaneo lena le sebetsa ka ho otloloha le lefapha la diprofense la thuto mmoho le dibaka tsa paballo ya tlhaho.
Mehlodi ya bohlokwa ya hore lefapha le ikemiseditseng le hore le se le fihlelletse eng ho fihlela jwale ke Morero wa Dilemo tse Tharo mmoho le Tlaleho ya Selemo, e leng diphatlalatso tse tswang selemo le selemo ho latela Pholisi wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999.
Ho feta mona, Lefapha le ikemiseditse ho tsebisa setjhaba ka hore ho ntse ho etswang ka hara Lefapha ke Letona le Lefapha. Hape lefapha le tla bokella ditaba tsa hore setjhaba se ikutlwa jwang mabapi le ditaba tse amang metsi le meru.
Dipitso tse etswang ke Letona mmoho le basebetsi ba lefapha mererong ya tsa metsi. Mona ha re bale dipitso tswa tlwaelo tsa mmuso?
Ho etsa hore baqolotsi ba ditaba ba toboketse morero wa ditekanyetso tsa ditjhelete wa Letona ka hara Palamente le ka hara Lekgotla le Naha la Diprofense.
Ho etsa hore ho tlalehwa ka ditaba tsa Letona ka hara Palamente.
Beke ya Metsi e tlang ka kgwedi ya Hlakubele selemo le selemo moo ditaba tse amang metsi di phatlalaswang teng.
Dipapatso ka tsela ya dipampitshana tse haswang ka hara setjhaba mabapi le merero ya metsi.
Ho bohlokwa haholo ho etsa diphuputso tse amang metsi. Diphuputso tsena di bapetse karolo e kgolo haholo ho etseng hore batho ba utlwisise tshebediso ya metsi mme di entse le hore ho fihlellwe ditsela le disebediswa tse itseng tse sebediswang tsamaisong ya ditaba tsa metsi. Boholo ba maqiti a fapaneng a bile a hlomphuwa lefatshe ka bophara ka ditaba tsa metsi a ne a itshetlehile diphuputsong tsena. Ho dutse ho hlaha diphephetso tse ngata tse qosang hore re utlwisise tshebediso ya metsi haholwanyane. Ho qoba mathata ana, Khomishene ya Diphuputso ya Metsi e tla dula e etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa naha tsa metsi di a kgotsofatswa.
Khomishene ena e sebetsa e le lehlomela ditabeng tsa diphuputso tse amang metsi Afrika Borwa. Ke tjhelete eo e e fumanang, Khomishene ena e kgothaletsa ntshetsopele ya tsebo ka ditaba tse amang metsi. Hape khomeshe ena e sebedisana haholo le Lefapha ho etsa hore dintho kaofela di tsamaya ka nepo. Lefapha la Bonono le Thekenoloji mmoho le Letlole la Naha la Diphuputso di sebedisana ka ho otloloha le Lefapha le Khomishene ho etsa bonnete ba hore diphuputso di tswela pele hantle ho latela leano la naha.
Tsamaiso Metsi jwalo ka sesebediswa e leng tsela ya ho etsa hore ho ba teng tekatekano le tshebediso e tswellang ya metsi.
Ekhosisetimi e amang metsi: e leng yona e shebaneng le tshireletso ya metsi.
Tshebediso e tswellang ya metsi bakeng sa temo: e leng se bolelang tshebediso ya metsi dibakeng tse fapaneng.
Hape Khomishene ena e shebane le se bitswang tsebo e itshetlehileng ditabeng tsa metsi e leng se hlokehang hore diphetho tsa diphuputso di tle di fetisetwse bathong ka tsela e loketseng.
Bohlokwa ba Khomishene ena ke ho ntshetsa pele basebetsi ka hara lefapha. Diphuputso ke e nngwe feela ya ditsela tse jwalo. Ka tsela ena projeke e nngwe le e nngwe e lokela ho kenyelletsa thupello ya batho, haholoholo bathong ba sa fuwang monyetla nakong e fetileng. Sena se tla netefatsa hore ka selemo sa 2009, batho kaofela ba neng ba hateletwe nakong e fetileng mme ba batla ho tswela pele ka dithuto tse phahameng ba fuwa monyetla wa ho etsa jwalo.
Morero o kopanetsweng ke Lefapha mmoho le Khomishene ya metsi ka kopanelo le Mokgatlo wa Thuto, Bonono le Botjhaba wa Dinaha tse Kopaneng le Mmuso wa Flemmish.
Se hlokehang ho ikopanya le ba amehang: maemong a ka tlase kaofela, ntle feela le ho karolo 10 le 41, Pholisi o hloka hore ho phatlalatswe Lesedinyaneng la mmuso le hore ho etswe matsapa a mang hore ditaba tsena di tswejwe ke bohle ba amehang.
Ho thehwa ha mokgatlo wa batho ba sebedisang metsi (ntle le ha eba ho ile ha bontshanwa hantle le batho ba amehang).
kgaolo 6 ya Pholisi wa Tshebediso ya Metsi wa Naha e bolela hore ho lokela ho be le maano, dithero, dipehelo le ditsela tse latelwang ho ho shejwa dintlha kaofelwa tse hlokwang ke mmuso tshebedisong ya metsi. Hape kgaolo ena e hloka hore melao ena e tsamaisane le ya ya ditokelo tsa lefatshe ka bophara. Kgaolo 9 yona e hloka hore molao wa tlatsetso o shebane le dintlha kaofela tse amanang le naha kapa sedika. Kgaolo 22 e bolela hore ditho tsa mmuso di lokela ho kopanya dilaesense tsa tsona ho etsa laesense e le nngwe feela. Kgaolo 81 e bolela hore ho lokela hore ho be teng boemedi bo tswang mebusong ya profense kapa ya selehae mokgatlong wa tlatsetso. Kgaolo 138 e hlalosa hore Letona la Metsi le Meru le lokela ho etsa ditsela tsa ho tlisa tsamaiso e loketseng tshebadisong ya metsi ka mora ho ikopanya le ditho tsohle tse amehang tsa mmuso.
Kgaolo ena e hlalosa tse ding tsa dikamano tsa mantlha pakeng tsa Pholisi wa Naha wa Metsi le Melawana e mang ya naha, dipholisi, ditsela tsa tsamaiso le mananeo le hore ho hlokeha ho sebedisanwe jwang hore se bitswang Leano la Naha la Mehlodi ya Metsi le tle le atlehe. Hape ho hlaloswa le dikamano tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding ditabeng tsa metsi.
Molao o tsamaisang le metsi o ntlhapedi: Pholisi wa Ditshebeletso tsa Metsi wa 1997 le Pholisi wa Naha wa Metsi wa 1998. Pholisi wa Ditshebeletso Tsa Metsi o laolwa ke bomasepala tlasa leihlo la Letona la tsa Metsi le Meru. Molao ona o laela Lefapha ho etsa bonnete ba hore ditsela tsohle tse amang tshebediso ya metsi di a latelwa. Le haho le jwalo, hona le melao e meng e laolang tshebediso ya metsi. Melao ena wela tlasa mafapha a mang a mmuso.
Lefapha le latela Molao wa Motheo ho sebedisana le maemo ohle a mmuso ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa mmuso mabapi le ntshetsopele ya setjhaba le moruo di a kgotsofatswa. Ka tsela ena, mafapha a ke se kgone ho sebetsa hantle ebang e le hore melao ya ona e a lwantshana. Ke ka hoo karolo 6 (a) ya pholisi e bolela hore tshebediso ya melao kaofela e lokela hoba tlasa molao wa mmuso.
Melao eo ho ileng ha shebanwa le yona e ne e shebane le tikolo, dibaka tsa mawatleng, temo, tshebediso ya lefatshe, diminerale, merafo le matla le tsamaiso ya dikgwerekgwere, tsa matlo, bophelo bo botle, ho ahwa ha dibaka tsa mahaeng, ho ho ahwa ha dibaka tse ditoropong mmoho le mebuso ya selehae. Melao e meng ya diprofense e ile ya shadingwa le yona.
Lefapha le tla tsitlallela ho tlisa tshebedisano le mafapha a mang ho etsa bonnete ba hore melao yohle e kenngwa tshebetsong ka tshwanelo (sheba dipuisano tse hlahellang ho kgaolo 1).
Melao e fapaneng ya naha e lokela ho elwa hloko ke Lefapha mmoho le dikarolwana tse ding tse shebaneng le tshebediso ya metsi.
Thero: ho hokahanya ka tshwanelo ditshebeletso tsa metsi mmoho le ho fumantshwa metsi ke mekgatlo ya tlatsetso.
Taolo ya tshebediso ya metsi: ho tsamaisa mesebetsi e tshwanang ya tshebediso ya metsi, ho kenyelletswa le hore ho etswe bonnete be hore dintho tsohle di sebetsa ka nepo.
Ho kenngwa tshebetsong: ho kgothaletsa tshebedisano tsamaisong ya ditshebeletso tsa metsi le ho etsa hore boleng ba metsi bo maemong a lokelang.
Tshehetso: ho arolelana ka disebediswa le bokgoni hore ho tle ho tshehetswe dibaka tse amehang tsamaisong ya ditaba tsa metsi le ho etsa hore batho ba fapaneng ba fumantshwe bokgoni bo lokelang.
Tsamaiso ya tlhahisoleseding mmoho le dipuisano: ho kopanya dintho tse amanang le dipuisano le thekenoloji, le ho hokahanya dipuisano le batho ba bang ba amehang.
Ho feta moo, Molwawana ona o na le melao e meng e supang hore metsi a ka sebediswa jwang.
Karolo 9 ya pholisi e bolela hore ho lokela ho be teng ditsela tla tlatsetso tse tshwanelang ho tsamaya ha mmoho le mohopolo o felletseng wa tshebediso ya metsi. Bomasepala kaofela ba lokela ho be le merero e loketseng ka tsebediso ya metsi. Merero ena ke karolo ya Merero e Kopaneng ya Ntshetsopele eo bomesepala be tshwanelang ho ikamahanya le yona ho latela Pholisi wa Ditsamaiso tsa Bomasepala wa 2000 (no.32 ya 2000).
Mokgatlo o fuweng matla a ho kenya molao wa metsi tshebetsong o lokela ho ama molao wa tlatsetso, mehlodi ya metsi mmoho le tse hlokehang hore ho tle ho qhalwe dikarolo tse sa hlokeheng tsa metsi.
Karolo 6 (a)(ii) e hloka hore ho kengwe tshebetsong dihlopha tse hlokehang tse sebedisanang le metsi tsa naha jwalo ka ha ho hlalositswe ho karolo 9 ya molao wa WSA. Molao ona o fana ka ditsela tse fapaneng tse lokelang ho latelwa mabapi le ditshebeletso tse fapaneng tsa metsi.
Ho boloka bohlweki: Ho etswa ho disebediswa tse bolokang bohlweki ho batleha ho nne ho hopolwe dintho tse ka silafatsang metsi.
Mehlodi ya mantlha ya metsi: Ditlhoko tsa mantlha tsa batho di hlalositswe polokelong e hlahelang ho NWRS?
Boleng ba metsi a ho nwa: boleng ba metsi a fumanehang dinokeng le a dibakeng tse ding bo tsamaelana le tjhelete e lefuwang ho hlahloba bohlweki ba metsi.
Pholisi e fana ka tsela e ka latelwang ha ho qhalwa ditshila tse metsing.
Tshebediso ya sebaka sa ho qhala ditshila: tshebediso ya sebaka se tjena e fumaneha tlasa karolo 37 ya Pholisi ona.
Bongata le boleng ba dibaka tsa ho qhala ditshila: leasense e fanweng ke yona e hlalosang mofuta wa sebaka sa ho qhala ditshila.
Dihlahlobo tsa ditshebeletso tsa metsi, metsi le hlahlobo ya dibaka tsa ho qhala dikgwerekgwere le ho hlokomela ha metsi a ka senyehang, ho lokiswa ha dibaka tse dutlang le ho ho tlalehwa ha batho ba sa lateleng molao: Sena se bua ka ditlhoko tsa polokeho ya metsi le hore batho ba hloka metsi hakaakang.
Karolo 56 ya pholisi e qosa hore ho be teng tsela e itseng ya ho etsa ditefello tsa metsi ke mekgatlo e amehang. Karolong ya 4 ho kgaolo 3 re hlalositse dikamano pakeng tsa mokgwa wa ho fana ka tjhelete e patalwang le ditefellong tsa metsi.
Tsamaiso ya ditshebeletso tsa metsi e itshetlehile hodima ditlhoko tsa molao wa naha wa tikoloho wa 1989 (nomoro 73 ya 1989) (ECA) o eso kang o hlakolwa ke NEMA.
Ho ya ka NEMA Lefapha le hlophisitse le ho phatlalatsa Morero wa kenya tshebetsong molao o amanang le tikoloho mmoho le morero wa tsamaiso e hlalosang mosebetsi wa Lefapha, melao, merero mmoho le mananeo le hore tsena tsohle di ikamahanya jwang le melao ya tikoloho. Hape morero ona o hlalosa dintho tse kentsweng tshebetsong kapa tse ntseng di rerwa ke lefapha kapa dikarolo tsohle tsa mmuso. Morero ona o lokela ho hlahlojwa bonyane ka mora dilemo tse nne mme di iswe hoLefapha la tsa Bohahlaudi le Tikoloho.
Mafapha a mang le ona a lokela ho etsa ditlaleho tsa ona ho latela dipehelo tsa NEMA,. Merero yohle e lokela ho hlahlojwa ke komiti ya ditaba tsa Tikoloho eo e kenyeleditseng Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha.
Botsamaisi bo akaretsang ba ditaba tsa tikoloho.
Morerong wa ho kenya tshebetsong molao o amanang le tikoloho mmoho le morero wa tsamaiso Lefapha le iketlaheditse kgodisong ya botsamaisi bo kenyelletsang ba ditaba tsa tikoloho ho etsa bonnete ba hore le ikamahanya le ditlhoko tsa NEMA. Ho fets mona morero ona o etsa bonnete ba hore ho ikamahanngwa le ditaba tse amang tikoloho mererong ya metsi. Hona le dintho tse sebediswang ho hlahloba maemo a metsi, mme tsena di tla kenngwa tshebetsong ho etsa hore mosebetsi o tsamae hantle.
NEMA e hloka hore Lefapha la Tikoloho le Bohahlaodi le fane ka tlaleho ya selemo ya ntshetsopele e tswellang ho latela boikemisetso ba mmuso ba nomoro 21 morerong wa Dinaha tse Kopaneng wa 1992 o ikemiseditseng ho fihlela ntshetsopele e tswellang. Phatlalatso ya pele e ile ya tswa ka selemo sa 1999.
Tema e bapalwang ke Lefapha ditabeng tsa tikoloho e hlahella tlasa se bitswang botsamaisi bo kenyelletsang ba ditaba tsa tikoloho. Ditlaleho tsena di tla kenyelletsa ditaba tse bontshang kgatelopele e entsweng ho fihlela dipehelo tsa tikoloho. Ditlaleho tsena di tla supa hore ditokiso di lokela ho etswa kae.
Ka tumellano le Lefapha la Tikoloho le Bohahlaodi, Lefapha lena le tokelo ya ho shebana le ho lahlelwa ha dtshila naheng. Letona ke lona le nang le boikarabelo ba ho fana ka tumello ya hore ditshila di ka lahlelwa kae. Le ha ho le jwalo, Palamente e fane ka diphetoho tsa hore tumello ena e lokela ho fanwa ke Lefapha la Tikoloho le Bohahlaodi. Mosebetsi wa ho isa boikarebelo lefapheng leng le leng o tla etswa ka nako eo ho dumelanweng ka yona e leng ho tloha ka Mmesa 2005. Lefapha le tla sallwa ke matla a ho hlahloba mangolo a tumello feela.
Molao ona (nomoro 57 wa 2002) o ile wa ananelwa ka Pherekgong 2003. (Sheba karolo 7 ya Kgaolo 3).
Ho emela Lefapha ho moifo wa naha wa boeletsi wa botsamaisi ba ditaba tsa tlokotsi. Setho se hodimo e tla ba sona se emetseng Lefapha boemong ba naha.
Lefapha le ikarabella ho dipehelo tsohle tsa Pholisi o laolang botsamaisi ba ditjhelete tsa setjhaba mmoho le melao e tsamaisanang le wona.
Lefapha le lokela ho fana ka tlaleho ya sehla ka seng sa selemo ho Letona mmoho le ditlaleho tse selemo tse supang hore le sebeditse jwang.
Ha ho buisanwa le Ramatlotlo wa Naha, Lefapha le tla hlalosa boemo ba mekgatlo ya tlatsetso e sebetsang tlasa PFMA le hore mekgatlo ena e tla sebetsa jwang le PFMA.
Ho latela pholisi ona Lefapha lena le boikarabelo ba ho tsebisa setjhaba ka ditaba tse amang tshebediso ya metsi, haholoholo ka mathata ao ho ka kopanwang le ona (sheba karolo 7 ya kgaolo 3).
Pholisi ona o supa ditokelo tsa Molao wa Motheo tsa setjhaba tsa hore ba lokela ho hlahiswa leseding ka ditaba tse amang lefapha mabapi le ditokelo tsa batho tsa ho fumantshwa tlhahisoleseding. Lefapha le tla hlalosa le ho hlahisa tlhahisoleseding leo boholo ba yona bo buang ka ditaba tse amang metsi.
Pholisi ona o fa moifo wa metsi tokelo ya ho ipiletsa, le ha e le hore moifo ona o ka ipiletsa feela ditabeng tse amang pholisi feela (sheba karolo 5 ya kgaolo 3).
Pholisi ona o shebane le mesebetsi kaofela ya tsamaiso mme o bontsha batsamaisi kaofela hore ba lokela ho ba hloko ha ho nkuwa diqeto. Dinyewe tse amang diphoso tse bang teng di tla di tla shejwa ke makgotla a dinyewe, eseng moifo ka boona.
Molao wa Motheo o dumella dikarolo kaofela tsa mmuso ho kopanya mesebetsi ya tsona. Sena se ba teng ha ho shejuwe ditaba tse kang ho kopanya matsoho le ho sebedisana ha ditho tsena tsa mmuso tse kang mmuso o bohareng, wa profense le wa selehae Leha mofuta o mong le o mong wa mmuso o ikarabela mesebetsing eo o e nehilweng, maano le meralo e etellang pele e tlamehile ho tsamaisana le ya mefuta e meng ya mebuso ya naha. Ho tshwana hona ha tsamaiso ya mebuso ho kgonahala ho marangrang a tshebedisano pakeng tsa mebuso ena ka ho arolelana masedi le ditaba, haholo pakeng tsa profensi le wa mahaeng, moo di fumanang monyetla wa ho nka karolo diqetong tsa thero ya maano le meralo tse amang dibaka tsa bona Hantle ntle?
Ka tlasa molao wa marangrang a bomasepala wa 2000, ditereke tsa bo masepala di tlamehile ho rala maano bakeng sa dilemo tse hlano bakeng sa ho tataisa ka dintlha tsa moralo, ho di kenya tshebetsong le ho di tsamaisa dibakeng tseo.
Setshwantsho sa 5.1 se bontsha ka botlalo kamano pakeng tsa meralo le maano bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya metsi le pehelo ya ditshebeletso tsa metsi, le bakeng sa meralo le maano mebusong ya bohareng, ya profense le wa lehae.
Setshwantsho sa 5.
Ho sa tswa kenngwa tshebetsong mananeo a mabedi a etsang hore ho be teng ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le tsa ditoropong.
Lenaneo lena le ile la thakgolwa ke kantoro ya Mopresidente ka selemo sa 2000 ka sepheo sa ho ntlafatsa maphelo a batho ba phelang mahaeng. Sepheo sa lenaneo lena ke ho: tlisa botsitso ka hara dibaka tsa mahaeng mabapi le moruo o emeng hantle le hore batho bana ba kgone ho fihlella ditshebeletso hantle, le hore ba kgone ho fumana le ho ipolokela batho ba nang le tsebo le bokgoni ba tla etsa hore setjhaba se kgone ho hola. Tema kgolo bakeng sa ho thakgola lenaneo lena e tla bapalwa ke mmuso wa selehae. Mebuso ya diprofense mmoho le ya selehae ke yona e tla laola lenaneo lena?
Ho fumaneha ha metsi ke se seng sa dintho tsa bohlokwa haholo kgodisong ya dibaka tsa mahaeng. Hape leano lena le tla sebediswa ho fokotsa bofuma. Lefapha le tla sebetsa le mafapha a mang ho etsa bonnete ba hore sena se a etsahala.
Ho lokiswa ha mananeo a botsamaisi ba ditaba tsa metsi le ho etsa hore dibaka tse ka sehlohong di a shejwa.
Ho etsa bonnete ba hore hona le maano a tlatsetso a ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng.
Ho etsa bonnete ba hore setjhaba se ba le boemedi bo lekaneng boemong ba tsamaiso ya ditaba tsa metsi.
Ho etsa bonnete dipuisano le tlhokomediso ya setjhaba di etswa ka nepo dibakeng tsa mahae.
Leano lena le lona le kenngwa tshebetsong ke Mebuso ya diprofense le ya Selehae. Le tsamaisana le leano le akaretsang la ntshetsopele ya mahae, empa lona le shebana haholo le botsitso ba dibaka tsa ditoropo.
Ho rera le ho ntshetsa pele dinoka tse fumanehang dibakeng tsa ditoropo ho etsa hore setjhaba se bolokehe ka dinako tsa dikgohola.
Ho etsa hore dinoka di be maemog a matle jwalo ka disebediswa tsa setjhaba le ho etsa hore ba qhalang dikgwerekgwere ba fumantshitswe dilaesense ka tsela ya tshwanelo.
Ho tsebisa setjhaba ka bohlokwa ba dinoka jwalo ka disebediswa tsa setjhaba.
Afrika Borwa e na le maqhama a mangata le dinaha tsa Afrika le tse mose ditabeng tse amang metsi. Dintho tseo ho dumellanwang ka tsona le dinaha tse mabapi di akaretsa ho fana ka metsi mmoho le ditaba tse amang dinoka kapa dintho tse kang karolelano ya tsebo ho tsa sethekiniki le diha tse ding tseholang le tse seng di hotse.
Afrika Borwa e arolelana dinoka tse nne tse kgolo, Senqu, Limpopo, Inkomati le Usutu/Pongola/Maputo le dinaha tse tsheletseng ta boahisane, e leng Botswana, Lesotho, Mozambique, Namibia, Swaziland le Zimbabwe. Naha e akaretswang ke dibaka tsena kaofela Afrika Borwa e lekana le 60% ya naha ya lebabadi ho sa kenyelletswe lewatle. Ho phalla ha dinoka tsena ka selemo ho lekana le 40% ha palohare ya phallo ya dinoka tsena ka hara naha. Hona le dikomiti le meifo e fapaneng e supang dikamano tse teng pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding.
Komiti ya moshwelella ya metsi pakeng tsa Afrika Borwa le Botswana.
Khomishene ya tsa metsi pakeng tsa Lesoth le Afrika Borwa.
Khomishene ya moshwelella ya Metsi (Namibia le Afrika Borwa).
Khomishene ya karolelano ya Metsi ya Afrika Borwa le Swaziland.
Khomishene ya Orange/Senqu River Basin e thehilwe ka selemo sa 2000 ka sepheo sa ho etsa hore ho be teng tsamaiso ya tsa metsi e akaretsang. Tumellano ya ho theha Khomishene ya Metsi ya Limpopo e entswe ka selemo sa 2003. Tumellano ya Incomaputo, e leng yona e shebaneng le karolelano ya metsi sebakeng sa Komati le Pongola e saennwe ka selemo sa 2002. Tumellano ena e tla shejwa ke dinaha tsa Swaziland/Mozambique/RSA ho fihlela ho thehwa Khomishene e shebaneng le ditaba tsena. Ho lebelletswe hore ho thehwe diKhomishene tse ding hape bakeng sa mehlodi e meng ya dinoka nakong ya dilemo tse ka bang robedi ho isa ho leshome. Karolo 8 ya kgaolo 3 e toboketsa taba ena haholwanyane.
Pholisi oo ke o mong wa melao e mmalwa lefatsheng moo honang le kopanelo le dinaha tsa boahisane sheba karolo 6 sehlomathiso sa B. Dipehelo tsa ho arolelana ka metsi pakeng tsa dinaha tse fapaneng ho hlahella karolong ya 2 sehlomathiso D.
Tshebedisano e tjena e wela tlasa ditumellano tse tadinngweng botjha pakeng tsa dinaha tsena tsa SADC. Hara tse ding, ditumellano tsena di shebana le tshwantshanyo ya melao pakeng tsa dinaha tsena tse fapaneng, ho bokella le ho arolelana ha tlhahisoleseding, ho etsa diphuputso, ho shebana le dikgohola, le tsohle tse shebaneng le tshebediso ya metsi ka kakaretso sebakeng sena. Ditumellano tsena do boetse di kgothalletsa ho thehwa ha dibaka tse shebaneng le tshebediso ya metsi sebakeng sena (sheba karolo 5.6.1 e ka hodimo).
Hape Afrika Borwa e na le maqhama le dinaha tse ding tsa Afrika tse ka ntle ho seaka sa SADC ha mmoho le tse ding tsa lefatshe ka sepheo sa ho theha ditumellano ditabeng tse amang metsi.
Tse ding tsa ditumellano tsena di ama ntshetsopele ya NEPAD, karolelano ya tlhahisoleseding, thekenoloji le bokgoni, le ho theha menyetla ya hore dikhampani tsa Afrika Borwa di ka kgona ho sebetsa maemong a matjhaba.
Ka tsela ena, lefapha le se le sebeditse le batho ba bangata ba tswang dinaheng tse ding ho fana ka thupello le ho fana ka thuso ya setekgeniki mmoho le karolelano ya tlhahisoleseding ka ditaba tse kang melao e shebaneng le metsi dinaheng tse fapaneng.
Dilemong tse sa tswa feta, Lefapha le ile la fumana dithuso tse ngata ho tswa dinaheng tsa matjhaba ditabeng tsa ntshetsopele le dithusong tsa ditjhelete.
Lefapha le tla nne le tsitlallele ho fumana thuso ho tswa dinaheng tse ding hore sepheo sa lona ka metsi se atlehe. Dithuso tse tla ba teng nakong e tlang ho lebelletswe hore di shebane le tshehetso ya diprojeke ka hara sedika. Lefapha le tla nne le sebetse ka ho otloloha le mekgatloe meng ho tswedisetsa pele leano la NEPAD.
ho latela Molao wa Motheo botsamaisi ba ditaba tsa metsi ke boikarabelo ba mmuso wa naha. Le ha ho le jwalo, hona e dintho tse mmalwa tseo mmuso wa bohareng o di etsang ka kopanelo le mebuso ya diprofense le wa selehae. Ditaba tsena di hlahella ho sehlomathiso 4 le 5 ho Molao wa Motheo.
melao e amang melao e tshwanang ya paballo ya metsi ho latela kgaolo 9 le 73 (j) ya Pholisi wa Metsi e shebane le tlhwekiso ya metsi, phano ya metsi, ho sitiseha ha phano ya ditshebeletso tsa metsi.
dibaka tsa Inkomati le Usutu/Pongola/Maputo di atamelane, mme di kenella ka hara Mozammique, Afrika Borwa le Swaziland. Ho ka nna ha thehwa Khomishene e shebaneng le dibaka tsena ya metsi.
tumellano e tadinngweng botjha ho latela melao ya Dinaha tse Kopaneng e kopanetsweng ya metsi e tjhaetswe monwana ke dinaha tse amehang, ho kenyelletswa le Afrika Borwa ka kgwedi ya Loetse ka selemo sa 2003. Afrika Borwa e boetse ya saenela le ho dumelana le molao wa Dinaha tse Kopaneng. Le ha ho le jwalo, dinaha tse ding di lokela ho ananela molao ona hore o tle o kengwe tshebetsong.
Molao wa metsi o itshetlehile ho Molao wa Motheo, mme o tlama batho kaofela ba amehang, ho sa kgethwe hore ke ba mmusong kapa tjhe. Le ha e le mona ho tsejwa mesebetsi yohle ya metsi, molao ona o tla tsamaisana ka ho otlohola le sa hlahellang ho molao wa ditokelo tsa botho.
Metsi kaofela, ho sa shejwe hore a tswa kae maemong a fapaneng a tshebediso ya ona, a nkuwa e le sesebediswa mme a tlasa taolo ya mmuso. Metsi kaofela a na le maemo a sa fetoheng, ho sa shejwe hore a tswa hokae.
Ha hona motho ya ka reng metsi ke a hae, ntle le hore o na le tokelo ya ho a fumana (bakeng sa ditokelo tsa tikoloho kapa tsa batho). Tumello ya ho sebedisa metsi ha e a tshwanela ho ba ya moshelella.
Sebaka seo metsi a fumanehang teng ka hara naha ha se bolele hore motho o se a ena e tokelo e fetang ya ba bang ya ho a asebedisa.
Sebaka se ommeng jwalo ka Afrika Borwa tjena ho bohlokwa ho hlokomela tsela ya maemo ao metsi a hlahang ka ona, le hore maemo ana a tsamaelana ka tsela e jwang moo dintho tse kang ho fetoha mohudi, maru kapa pula di amanngang le metsi a fumanehang fatshe, e leng dinoka, matsha, matangwana le mawatle.
Ho tshwanela hore ho utwlisiswe tsela e sa tlwaelehang eo metsi a tliswang ka yona bathong.
Sepheo sa ho ba le tsamaiso e nepahetseng ya metsi ke ho fumana tsela eo setjhaba se ka kgolang molemo o moholo tshebedisong ya metsi.
Ho tla bolokwa metsi ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba fumana metsi ka ho lekaneng.
Ho tla tiiswa boleng ba metsi a hlokehang ho tswedisetsa bophelo ho etsetsa hore a se ke a fela mme batho ba eba mathateng.
Metsi a hlokehang ho phetha mabaka a ho phedisa setjhaba a tla bolokwa mme a bitswe Polokelo mme a ba tla bohlokwa ho feta metsi a mang. Tshebediso ya metsi bakeng sa mabaka a mang e tla ba teng ka tumello feela.
Metsi a arolelanwang le dinaha tsa boahisane a tla sebediswa ka tsela e tla etsa hore bohle ba amehang ba kgole molemo. Ditumellano tse fihletsweng ka tshebediso ya metsi di tla hlomphuwa.
Ka molao metsi a tlasa tlhokomelo ya mmuso wa bohareng. Mmuso o bohareng ke wona o etsang bonnete ba hore tshwaro ya metsi, tshebediso, le tsela eo batho ba a fumanang ka yona e nepahetse, ho kenyelletswa le tsamaiso ya metsi pakeng tsa dibaka tsa tlatsetso kapa pakeng tsa dinaha tse fapaneng.
Jwalo ka ha e le bona ba hlokometseng metsi, ba mmuso wa bohareng ba etsa matsapa a hore tsamaiso le tshwaro ya ditaba tse amang metsi e tsamaya ka tsela e kgotsofatsang ditebello le tshepo ya setjhaba.
Metsi a tla sebediswa ka tsela e tla etsa hore bohle ba amehang, ho tswa mafapheng ka ho fapana a bophelo, ba a fumane ka tsela e lekanang ho bile ho shebilwe hore a fumaneha ka bongata bo bokae, boleng ba ona, le hore a loketse ho sebediswa hakae. Ho tla etswa ditsela tse fapaneng tsa hore metsi a bolokehe a le boemong bo loketseng.
Boleng le bongata ba metsi ke dintho tseo e nngwe e itshetlehileng ho e nngwe, mme tsona di tla sebetswa ho shebilwe ditsela tse fapaneng tsa tshwaro ya metsi.
Ditsela tse fapaneng tse amang tsamaiso le tshwaro ya metsi di tla kenyelletsa ho fana ka dithuso ho ba sebedisang metsi hantle, le dikotlo tse itseng ho ba hlolehang ho a sebedisa ka tshwanelo, ka tsela e kang tshilafatso mme ho tla etswa matsapa a hore tshilafatso e a qojwa.
Tsela eo ditaba tsa metsi di tlang ho tshwarwa le ho tsamaiswa ka yona di tla tsamaisana le tsela eo ditaba tsa tikoloho di tsamaiswang ka yona.
Jwalo ka ha e le mona tshebediso ya metsi e na le kgahlamelo ho maemo a fapaneng a metsi, melao e teng ya metsi e tla sebediswa e le tsela ya ho tsamaisa le ho tshwara tsela eo metsi a sebediswang ka yona.
Tumello ya ho sebedisa metsi e tla fanwa ka nako e loketseng le ka tsela e hlakileng le e bonahalang, ho bile ho akaretswa le hore metsi a tla sebediswa nako e kae. Le ha ho le jwalo, sepheo sa tshebediso ya metsi se ke ke sa thibelwa.
Ho tla shejwa mekutu le matsapa ao motho a a nkileng ho theha ditsela tsa ho etsa hore metsi a sebediswe ha ho fanwa ka tumello ya tshebediso ya metsi.
Ntshetsopele mmoho le tsamaiso ya metsi e tla etswa ka tsela e etsang bonnete ba hore maphelo a batho le thepa di bolokehile dikotsing tsa tlhaho kapa tse bakwang ke batho.
Tsela ya tshebetsoya metsi e tla etsa matsapa a hore melao kaofela e totobetse le hore e a utlwahala. Melao ena e tla itsamaisa ka boyona mme e ke ke ya hloka hore mmuso o kene ka lehare. Batho ba ka kgona ho ipiletsa ebang ho le teng bothata ba tsamaiso.
Boikarabelo ba ho ntshetsa pele le ho tsamaisa ditaba tse amang metsi, moo ho hlokehang e tla ba ba sebaka sa tlatsetso kapa sedika ho etsetsa hore batho ba amehang ba kgone ho nka karolo ka tsela e nepahetseng.
Batho ba tla kgola molemo tshebedisong ya metsi ba tla tshwanela ho lefella dibaka tse tla thehwa ho boloka metsi a le boemong bo botle.
Ditokelo tsa baahi kaofela tse amang hore ba fumane metsi a hlwekileng le a nwehang/sebedisehang di tla ananelwa le ho tshehetswa.
Ditshebeletso tsa mertsi di tla tsamaisana le maano le sepheo sa mmuso wa selehae.
Le ha e le mona phano ya metsi e le mosebetsi o arohaneng ho ntshetsopele le tsamaiso ya metsi, ditshebeletso tsa metsi di tla fanwa ka tsela e tla tsamaelana le tsamaiso e ananetsweng.
Moo ebang ditshebeletso tsa metsi di fanwa ka tsela e shebaneng le batho ba le bang feela, ditshwanelo tsa batho ba bang le tsona di lokelwa ho elwa hloko.
b ho etsa tsela ya hore batho ba fumana metsi ka tsela e lekaneng c ho lokisa mathata a nako e fetileng a kgethollo ha ho tluwa ditabeng tsa phano ya metsi.
d ho kgothaletsa tshebediso e ntle ya metsi molemong wa setjhaba e ho etsa hore setjhaba se hole moruong f ho eketsa tsela eo metsi a sebediswang ka yona g ho sireletsa dintho tse phelang tsa metsing h ho fokotsa le ho thibela tshilafatso ya metsi i ho kgotsofatsa dipehelo tsa matjhaba j ho kgothaletsa paballeho ya matamo k ho shebana le dikgohola le komello le ho etsa hore tsena tsohle di atlehe ka ho theha makala a loketseng le ho etsa hore setjhaba se na le boemedi bo nepahetseng.
Jwalo ka moemedi wa setjhaba ditabeng tse amang metsi, mmuso wa naha, o sebetsa ka boemedi ba Letona, o lokela ho etsa bonnete ba hore metsi a bolokehile, a a sebediswa, a ntshetswa pele, a a baballwa, le hore botsamaisi ke bo loketseng bakeng sa hore setjhaba kaofela se kgole molemo ho latela Molao wa Motheo.
Ntle le hore ho kgutsufatswa kgaolwana ya 1 Letona le na le boikarabelo ba hore metsi a ajwa ka tekatekano le hore tikoloho e bolokehile.
Mmuso wa naha, ka boemedi ba Letona, o na le matla a hore laola tsela eo metsi a sebediswang, a phallang, ha mmoho le botsamaisi ba ona.
Molao wa naha wa metsi: kgaolo ya 2 Maano a naha a tsamaiso ya metsi; Karolo ya 1?
Ho latela karolwana ya 4 Letona le lokela ho tlisa leano la naha la metsi ka mokgwa wa lesedinyana la mmuso.
Metsi a naha a lokela ho sireletswa, ho sebediswa, ho ntshetswapele, ho baballwa, le ho tsamaiswa ho latela leano la naha la metsi.
Leano la naha la Metsi?
Pele ho thehwa leano lena kapa dikarolwana tsa leano lena holatela karolwana ya 1 Letona le lokela?
a ho phatlalatsa lesedinyana la mmuso i ka ho etsa kgutsufatso ya leano lena ii ka ho hlalosa sebaka moo leano lena kapa dikarolwana tsa lona di tlang ho etsahala ho lona bakeng sa hlahlobo iii ho mema batho ho hlahisa maikutlo a bona mabapi le leano lena, a hlakisa aterese le letsatsi leo maikutlo ao a lokelang ho tliswa ka lona. Letsatsi la ho fana ka maikutlo le lokela ho ba matsatsi a 90 ka mora phatlalatso ya tlaleho ena.
b ho sheba hore ke mehato efe e meng e ka nkuwang ho etsa hore dikarolwana tsa phatlalatso ena di finyella bathong c ho hlahloba maikutlo ohle a hlahang mabapi le phatlalatso ena ho latela aiii ka hodimo.
i sepheo sa Pholisi ona ii ditsela le ha e le dife tse tshwanetseng ho kenngwa tshebetsong ho latela kgaolo 9 1 ya Molwana wa Naha wa Metsi wa 1997.
b ho etsa hore bonyane ho ba le?
i ditlhoko tsa polokelo le ho etsa hore ditlhoko tsena di a fihlellwa mmo ho kgonehang ii ditokelo tsa matjhaba iii ho nkwa ha mehato e etsang hore ho kgotsofatswe ditlhoko tse lebelletsweng tsa metsi iv tshebediso e hlokolotsi ya metsi c ho theha dibaka tsa tsamaiso ya metsi d ho hokahanya ditlhoko tsa metsi tsa nakong ena le e tlang e ho hlakisa hore sebakeng ka seng hona le metsi a makae f ho hlakisa mathata a dibaka tsa tsamaiso ya metsi g ho kgothalletsa dibaka tse nang le metsi a mangata ho arolelana metsi le tse haellwang.
Ha ho etswa sebaka sa tsamaiso sa metsi ho latela karolwana ya 1c Letona le lokela ho shebana le?
Letona, Motsamaisi-kakaretso, setho sa mmuso mmoho le lekala le shebaneng le tsamaiso ya metsi ba tshwanela ho hlalosa leano la naha la metsi ha ba kenya matla a bona tshebetsong.
Kgaolo ya 2 ya Leano la Naha la Metsi le hlahisa setshwantsho sa maemo a tshebediso ya metsi ka hare ho naha, mme sena se tshehetswa ke tlaleho ya hore sebaka seng se shebaneng le ditaba tsa metsi se laolwa jwang. Diphapang tse teng tse shebaneng le dintho tse kang boteng kapa bosiyo ba metsi di a totobatswa.
Dibaka tse shebaneng le tsamaiso ya metsi di arotswe ka dikarolwana tse fapaneng ho etsetsa hore boemedi bo tle bo be botle. Ho arolwa ha dibaka tsena ho entswe ho shebilwe dintho tse kang sebopeho le sebaka sa tlatsetso, tshwano dinthong tse kang matamo, jwalo jwalo. Ho tshwanela ho hlokomelwe hore dibaka tsa tlatsetso di ka tlisa dikarolwana tse ding tse nyenyane.
Sehlomathiso sena e hlalosa haholwanyane se hlaloswang ho kgaolo ya 2. Ho bohlokwa hore kgaolo 2 e badisiswe haholwanyane pele ho ka fanwa ka botlalo tlhahisoleseding e felletseng.
Sepheo sa leano lena ke ho fana ka tsela e tshwanelang ho latelwa ditabeng tsa metsi ho tswa boemong ba naha. Molao o latelwang o tswa Molawaneng wa Metsi wa Naha wa 1998 mme sena se fana ka tsela eo dibaka tsena tsa tlatsetso di ka tsamaiswang ka yona. Ho etsa hore sena se phethehe, Lefapha la Metsi le Meru le na le dipehelo tse etsang hore Leano lena le kene tshebetsong ka ho tsepamisa maikutlo sebakeng se le seng sa tsamaiso. Maano ana a hlaloswa dibakeng tse fapaneng mme di tla sebediswa ke Lefapha sebakeng saditaba tse shebaneng le metsi nakong ya jwale kapa e tlang.
Ke ditaba tse itseng feela tsa bohlokwa tse hlophollang leano lena tse hlahellang ka hara sehlomathiso sena. Merero e fapaneng e hlahang leanong lena e hlaloswa tlalehong ka nngwe ya botsamaisi ba ditaba tsa metsi. Ditaba tse hlahang sehlomathisong sena di hlalosa haholwanyane dibaka tse fapaneng tse hlahellang kgaolong ya 2.
Metsi a boemong bo hantle ho tswa dibakeng tse kang pula, mohudi, sefako le lehlwa. Metsi a ka sebediswang a phatlalla le naha ho tswa dibakeng tsena tse fapaneng mme ebe batho ba a fumana dibakeng tse kang matsha le melatswana. Metsi kaofela a fumanehang bokahodimong ba lefatshe ka selemo ho tswa dibakeng tse fapaneng di bitswa metsi a phallang ka selemo (MAR).
Jwalo ka ha ho hlalositswe pejana, metsi a fumanehang ka hodimo kapa ka mobung a hlophiswa ka tsela e tshwanang mme a hlaloswa ka tsela e tshwanang le metsi a tlhaho. Ka tsela ena, ha ho bolelwe hore metsi a fumanehang ka mobung ke metsi a arohaneng ho a mang a ka hodimo ho mobu. Le ha ho le jwalo, metsi a fumanehang metsi a mobung a fana ka boikgethelo ba hore batho ba ka fihlella metsi ka tsela e jwang dibakeng tse fapaneng. Metsi a mobung le a ka hodimo, ka kakaretso ke metsi ohle a ka sebediswang ke batho.
Bakeng sa leano la metsi, metsi a fumanehang a hlaloseha e le kakaretso ya metsi kaofela a ka sebediswang ditlhokong tse fapaneng. Hape bongata ba metsi a ka sebediswang bo itshetlehile tabeng ya hore a hlokwa hokae le hore a ka ajwa ka tsela e jwang. Boleng ba metsi a fumanehang bo tobane ka ho otloloha le bongata ba metsi a ka sebediswang. Holatela leano lena metsi a fumanweng a tiiseditswe ka 98% ya hore a boemong bo loketseng. Kabo ya metsi e lokela ho tswela pele ha tiisetso ya mofuta ona e se e entswe.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Limpopo (sheba mmapa D1) ke sona se hodimo ka ho fetisisa naheng, mme se emetse Afrika Borwa sebakeng sa Limpopo Basin eo naha ena e e arorelanang le Botswana, Zimbabwe le Mozambique. Sebaka sena sa tsamaiso ya metsi se moeding wa Botswana le Zimbabwe, moo noka ya Limpopo e tsamayang teng pele e kena Mozambique. Sebaka sena se batla se omelletse mme pula ya mona ka selemo e pakeng tsa 300mm le 70mm. Moruo o itshetlehile haholo ho dinyamatsane, leruo le temo, mme merafo le yona e a nyoloha. Hona le mahae a ka bang 200 ho phatlalla le sebaka sena.
Ka lebaka la hobane sebaka sena se omelletse ebile se phatlalletse, ha hona dibaka tse lekaneng tsa ho aha matamo a maholo. Dibaka tse fapaneng tsa kariolelano tsa tsamaiso ya metsi di teng, jwalo ka ha ho hlahisitswe ho mmapa D1. Dibaka tsena tsohle di tlisa metsi sebakeng sa Limpopo sa tsamaiso ya metsi.
Diphuputso di supa kgolo a nyenyane ya setjhaba ho fihlela 2005 mme ho bonahala diphetoho tse nyane ka morao ho moo.
D1.2 Dipalopalo tsa bohlokwa tse amanang le Sebaka sa Tsamaiso ya metsi sa Limpopo setshwantshong ho tloha D1.1 ho ya D1.6 di supa tlahisoleseding e fumanehang ho ditshwantsho tsa 2.1 ho ya ho 2.6 tse hlahellang kgaolong ya 2.
Tlhahisoleseding ena e fuwe sebaka sa Afrika Borwa feela, mme hlaha lenaneng le hlophisitsweng ka tsela e ikgethileng. Tlhahisoleseding e fapaneng e hlaha dibakeng tse fapaneng.
Kakaretso Phallo ho kenyelletswa karolwana ya polokelo merafo le sebaka sa diindasteri seo e seng karolo ya sebaka sa ditoropo e kenyelletsa metsi bakeng sa ho fehla motlakase bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang disthwantshong D1.5 le D1.6.
Kakaretso Phallo ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho a, lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi. Tebello ya sebaka se akaretsang dimilione tse 20 m3/a se beheletswe ka thoko bakeng sa merafo Mogalakwena.
Ho ipapisitswe le Matamo a Glen Alpine le Mutshedzi mmoho le kaho ya letamo la Groenvley.
Kakaretso Phallo ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho a lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi. Tebello ya sebaka se akaretsang dimilione tse 20 m3/a se beheletswe ka thoko bakeng sa merafo Mogalakwena.
Ho ipapisitswe le Matamo a Glen Alpine le Mutshedzi mmoho le kaho ya letamo la Groenvley.
Kgatello e itseng, se ntse se kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa ka sena. Dikgaello tse hlahellang ho D1. 4 di ka hlaloswa ka hore di tswa karolong ya polokelo. Metsing a phallang ka selemo a ka bang dimilione tse 986 m3/a ka sebaka, ke dimilione tse ka bang 717 m3/a feela ka sebaka tse finyellang nokeng ya Limpopo.
Ka ha e le mona ho setse sebaka se senyane feela se ahwang ka ho fella, ho tshwanela ho shejwe tsela ya ho etsa hore ho be teng tsela e nepahetseng ya ho fumantsha batho metsi. Metsi a sebediswang moo ho hlahellang dikgaello (ho kenyelletswa le dipolokelo), le ho ntshetsa pele dibaka tsa mahaeng, ho fokotsa bafuma le ho tlisa tekatekano. Ntshetsopele ya sebaka sena se nang le diminerale, e ka tlisa botsitso bo botle ba moruo ho sona. Sebaka se ka etsang dimilione tse 20 m3/a e leng kakanyo ya sebaka se sebediswang bakeng sa merafo, e kenyeleditsweng tlasa sebaka sa tsamaiso sa Mogalakwena ho etsa hore merafo e ne teng nakong e tlang (sheba D1.5 le D1.6).
Metsi a tswang nokeng ya Olifants a iswe Polokwane ho fihlela peipi ya metsi sebakeng sena e tlala ho latela bokgoni ba yona ba dimilione tse 50 bo bolokilweng polokelong ya sebaka sena ya tsamaiso ya metsi.
Se ka bang kgolo ya 45 m3/a tsa dimilione tsa metsi ka sebaka se phallelang nokeng ya Crocodile se ka nna sa hlokeha bakeng sa ntshetsopele ya ho etsa dipolokelo tsa mashala sebakeng sa Lephalale. Ka ha e le mona ho eso tsejwe hantle hore sena se ka atleha, sena ha se eso kenyelletswe mererong e hlahang setshwantshong sa D1.5 le D1.6 kapa setshwantshong sa D3.5 le D3.6 e fumanehang dipolokelong tsa sebaka sa Crocodile le Marico.
Metsi a tswang kahong ya letamo la Rooipoort nokeng ya Olifants a tla sebediswa ntshetsopeleng ya merafo sebakeng sena, ho kenyelletswa le Mogoto mmoho le Polokwane.
Sebaka sena se wela ka ho otloloha ka hara Limpopo mme se ikgohla le meedi ya Zimbabwe le Mozambique. Sebaka sena ke karolo ya Limpopo Basin e leng karolo e arolelanwang ke Afrika Borwa le Botswana, Zimbabwe mmoho le Mozambique.
Olifants, e leng lehlomela la noka ya Limpopo. Se ikgethang ka sebaka sena ke Kruger National Park e ikgohlang le moedi wa sebaka sena, e leng sebaka se nkang dipersente tse 35 tsa sebaka ka kakaretso. Kruger National Park ke karolo eo dinoka tsohle di phallelang Mozambique ho yona jwalo ka ha ho hlahisitswe setshwantshong sa D2. Moruo o itshetlehile dinthong tse kang ho fepela, meru, bohahlaudi le temo. Dipersente tse ka hodimo ho 90 tsa batho bana ba dimilione tse 1.2 di phela dibakeng tsa mahaeng.
Tebello ke hore kgolo ya setjhaba e tla tsitsa, mohlomong e hole ka dipersente tse 0.8 ka selemo. Merafo e ka nna ya hauwa dibakeng tsa Tzaneen/Gravelotte mme morafo wa mashala le wona o ka nna wa hauwa sebakeng sa Tshikondeni. Kabo ya metsi e bolokilwe ho tswa letamong la Nandoni bakeng ho fepela dihekthara tse 1100 tsa mapolasi lebitsong la phokotso ya bofuma le ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng. Ha ho a lebellwa kgolo e kaalo ya dibaka tsa metsi, ntle le merafo feela.
Ditshwantsho sa D2.1 ho ya 2.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Luvuvhu le Letaba.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D2.5 le D2.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi.
Ho ipapisitswe le ho hola ha letamo la Tzaneen, ho tla hauwa letamo la Nwamitwa le le leng hape mabopong a noka ya Mutale.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi.
Ho hlaha ho setshwantsho sa D2.4 ho a hlaka hore ha hona se salang sebakeng sa metsi sa sebaka le hore ho sebediswa disebediswa ka tsela e hodimo haholo. Bongata bo tla boela bo bonahala ha motho a theoha hanyane ho ya le letamo, mme karolwana e itseng ya yona e tla sebediswa ke boramapolasi. Karolo e itseng ya ho phalla ha metsi ka selemo, e leng ho ka bang dimilione tse 1 185 m3/a sebakeng sena, dimilione tse ka bang 790 m3/a tsona di phallela naheng ya Mozambique.
Ha ho shejwa ditaba tse hlahang ho kgaolo 2.5 ka hodimo, hona le tumelo ya hore kgaello kapa bongata ba metsi bo tla sebediswa ha ho fumanwe metsi a neng a boloketswe ho fepela dijalo. Hape hona le kgoneho ya hore ho ka nna ha nyollwa letamo la Tzaneen le hore ho ka ahwa letamo la Nwamitwa, leo e leng kgale ho buwa ka lona. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ha ho hauwa matamo a matjha lebaka ya be e le hore a tla sebedietswa merero o meholo haholo, e kang merafo kapa mesebetsi e meng e jwalo. Metsi a tshwanelang ho sebediswa bakeng sa phokotso ya bofuma le ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng ona tla nkuwa dibakeng tse seng di le teng.
Tumello ya kaho ya matamo ohle a matjha kapa dibaka tse kgolo tse fumantshang metsi e tshwanela ho tswa mmusong ka lebaka la kgahlamelo eo sena se ka bang le yona dinaheng tse kang Mozambique.
Ho etsa hore ho fihlellwe se ka bang dimilione tse 18.5 m3/a tsa metsi ho tswa matamong a Ebenezer le Dap Naude hore metsi a iswe sebakeng sa tsamaiso sa Limpopo.
Ditaba tsa moruo mona di hahlametswe haholo ke ditoropo le diindasteri ha motho a sheba dibaka tse kang Johannesburg le Pretoria mmoho le merafo ya polatinamo ka Leboya Botjhabela ho Rustenburg. Sebaka sena ke sa bobedi ho tse nang le tsamaiso e kgolo ka ho fetisisa ka hare ho naha mme ke yona e fepelang naha ho feta tse ding. Tlhabollo e hatetse pele haholo. Boholo ba metsi a sebediswang mona a tswa letamong la Vaal le dibakeng tse ding tse hole. Hape metsi a ka iswa dibakeng tse kang Gaborone, Botswana le Modimolle, profenseng ya Limpopo.
Bongata ba metsi a tswang sebakeng sa diindasteri le ditoropong bo ka sebediswa hape, le ha e le mona sena e le sona se ka bakang tshilafatso e sa batleheng.
Ho lebelletswe kgolo ya setjhaba le morou ka lebaka la katamelo ya sebaka sena dibakeng tse kang Johannesburg le Pretoria, hape ka lebaka la merafo. Ha ho a, lebellwa diphetoho tse kgolo kgolong ya setjhaba kapa moruo dibakeng tsa mahaeng.
Ditshwantsho tsa D3.1 ho ya 3.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso tsa 3.1 ho ya ho 3.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa noka ya Crocodile le Marico. Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang disthwantshong D3.5 le D3.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi. Ho lebelletswe hore ho tla iswa metsi a lekaneng dibakeng tsa Apies/Pienaars le Upper Crocodile ho tswa dibakeng tsa Vaal tsa tsamaiso ya metsi.
Ha hona kgoneho ya ntshtsopele e nngwe sebakeng sena.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. Sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo. Ha ho lebellwa kgolo ditabeng tse amang phepelo ya metsi. Ho lebelletswe hore ho tla iswa metsi a lekaneng dibakeng tsa Apies/Pienaars le Upper Crocodile ho tswa dibakeng tsa Vaal tsa tsamaiso ya metsi.
Ha hona kgoneho ya ntshtsopele e nngwe sebakeng sena.
Dintlha tsa bohlokwa ka sebaka sena ke hore disebediswa tsa sona di se di kentswe tshebetsong ka botlalo le hore ho lebelletswe kgolo dibakeng tsa Johannesburg le Pretoria le dibakeng tsa polatinamo. Dintlha tsena di itshetlehile tseleng eo metsi a phallang ka yona nokeng ya Crocodile le maikemisetsong a Afrika Borwa a matjhaba. Ha ho bapiswa ho phalla ho ka bang 855 m3/a ha dimilione sebakeng ha pula ka selemo dimilione tse ka bang 549 m3/a dintse di phalla ho tswa sebakeng sena, mme dipersente tse 96 di ya nokeng ya Limpopo.
Dintlha tsa bohlokwa tse tshwanelang ho elwa hloko ke tshebediso ya metsi a kgutlang hape, mmoho le ho boloka tekatekano ya metsi a sebediswang hape dibakeng tsa ditoropo le ho iswa ha metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi. Ka mora moo tlhokeho e bang teng sebakeng sa Johannesburg le Pretoria e tla kgotsofatswa ke tsamaiso ya metsi mme kgolo e ka bang teng sebakeng sa Elands le Lower Crocodile e ka tliswa ke metsi a kgutlang hape.
Ho tswanela ho eketswe metsi a mang a ka bang dimilione tse 220 m3/a ho tswa sebakeng sa Upper Vaal ho ya dibakeng tsa Johannesburg le Pretoria. Jwalo ka ha e le mona sebaka sena se le hodimo, ho tla hlokeha dimilione tse ka bang 750 m3/a tse bolokilweng sebakeng sa tsamaiso sa Vaal.
Ho ka nna ha hlokeha dimilione tse ka bang 45 m3/a bakeng sa ntshetsopele ya sebaka sa Lephalale profenseng ya Limpopo. Ditaba tsena ha di a kenyelletswa setshwantshong D3.5 le D3.6.
Dintho tse ka etsang hore bo be teng tshitiseho phallong ya metsi ho ya dinaheng tsa boahisane di tla fuwa tumello ke mmuso ho boloka metsi sebakeng sa Crocodile (Bophirima) le Marico?
Ditaba tsa moruo di fapana ka dibaka mme di kenyelletsa merafo le diindasteri le ho fepela masimo, temo le bohahlaudi. Tsamaiso ya metsi ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ha ho shejwa hore noka ya Olifants e parola KNP.
Karolo e ngata ya metsi a fumanehang metsi a ka hodimo ho mobu a sebedisetswa ho fepela dibakeng tse ka leboya-bophirima mmoho le mererong ya ho ntshetsa pele dibaka tsa mahaeng. Ho hlokometswe bohlokwa ba ho sebedisa metsi a fumanehang mobung sebakeng sa Nebo Plateau ka leboya-botjhabela ho Groblesdal.
Ditshwantsho tsa D4.1 ho ya 4.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantsho 3.1 ho ya ho 4.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa noka ya Crocodile le Marico.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang disthwantshong D4.5 le D4.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo ho kenyelletswa le dimilione tse 25 tse hlokehang bakeng sa merafo sebakeng sa Middle Olifants.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa phallo e kgutlang hape e tswang ditlhokong tsa kgolo.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo ho kenyelletswa le dimilione tse 25 m3/a tse hlokehang bakeng sa merafo sebakeng sa Middle Olifants.
Ha motho a sheba diteketekano tse hlahellang setshwantshong sa D4.4, ho a hlaka hore ho ba le dikgaello tse itseng ho phatlalla le noka ya Olifants ho siya dibakeng tse itseng feela. Ho tla hlokeha polokelo ya se ka etsang dipersente tse 20 hore ho qojwe kgaello ena. Hore sena se tle se etsahale, ho lokela hore ho lokollowe metsi ka tsela ya ho fa batho ba amehang dilaesense le hore ho etswe mekutu e meng e kang ho hlahloba tsela eo metsi a hlokehang ka yona. Karolo ya dimilione tse 2 040 ka kakaretso tsa sebaka, ho lebelletswe palohare ya dimilione 1 137 e sa ntsaneng e phallela naheng ya Mozambique.
Boleng ba metsi bo hahlamelwa haholo ke merafo ya mashala . ho entswe matsapa a kgethehileng hore ho qojwe ditshila tse ka tshwanang di etswa merafong ena. Ho tla nne ho etswe matsapa a hore sebaka sena se dule se bolokehile dithsileng tse ka nnang tsa hlaha hape ka mora hore ho phethelwelwe ho rafshwa ha mashala.
Ntshetsopele e nngwe e ka tshwanang e eba teng e ka bitsa tjhelete e hodimo haholo mme ha ho bonahale ekare boramapolasi ba ka e kgona. Ka tsela ena, metsi a sebediswang ho fepela jilalo a tla tshwanela ho fumanwa dibakeng tse ding tse seng di sebetsa. Ka ha e le mona dibaka tse ngata tsa tsamaiso ya metsi di se di thehilwe, ho tla hlokeha motlakase o mongata hore metsi a tle a kgone ho tloswa sebakeng se seng ho ya ho se seng.
Dintlha tse latelang di tla tadingwa ha ho shejwa taba ya hore ditlhoko tsena di ka kgotsofatswa jwang.
Ho bolokwa ha metsi ho tswa letamong la Rooipoort nokeng ya Olifants ho etsetsa hore merafo e kgole molemo le ho etsa hore dibaka tse kang Polokwane le Mokopane di fumane.
Hona jwale hona le dimilione tse 172 tsa sebaka tsa metsi tse tsamaiswanh ho tloha Inkomati, Usutu, ho ya Mhlatuza le Upper Vaal. Ho tla boela ho bolokwa dimilione tse ka bang 38 tsa sebaka tikolohong ya Upper Vaal hore mosebetsi ona o phethehe.
Ntshetsopele yohle e ka amang dibaka tse kang Mozambique e tla tshwanela e ananelwe ke mmuso.
Sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Inkomati se fumaneha leboya-bophirima ho Afrika Borwa mme se ikgohla le Mozambique le Swaziland. Jwalo ka ha ho bonahala setshwantshong sa sa D5, dinoka kaofela sebakeng sena di phalla ho ya Lewatleng la India. Noka ya Komati e phallela naheng ya Swaziland mme e kene ka hara Afrika Borwa pele a kena naheng ya Mozambique.
Moruo o itshetlehile haholo ho tshellweng ha dijalo, le bohahlaudi bo hodimo. Sebaka sa bohlokwa haholo mona ke Kruger National Park. Noka ya Sabie, e leng yona e parolang sebaka sena ke e nngwe ya dinoka tsa bohlokwa ka ho fetisisa Afrika Borwa, mme noka ya Crocodile yona e ikgohla le sebaka se ka borwa ho sebaka sena.
Ho thehilwe matamo dinokeng tsohle tsa bohlokwa le ho mahokela a tsona mme metsi a fumanehang ka hodimo ba mobu a laolwa ka nepo. Ntho ya bohlokwa sebakeng sena ke tshwarisano e teng pakeng tsa Afrika Borwa le Swaziland ka se bitswang Komati Basin Water authority (KOBWA). Hona le kgoneho ya hore ho ka hauwa dibaka tse ding tsa polokelo ya metsi ho lehlomela la Kaap, e leng lehlomela la noka ya Crocodile, nokeng ya Komati, mmoho le ho lehlomela la noka ya Sabie, e leng Sand tributary. Leha ho le jwalo, sena se ka etsahala ebang ho fela ho hlokeha e le ka nnete.
Ho lebelletswe hore kgolo ya setjhaba e be e lekaneng hantle feela mme batho ba phele haholo dibakeng tsa ditoropo. Palo ya batho e ka nna ya fokotseha dibakeng tsa mahae.
Ditshwantsho tsa D5.1 ho ya 5.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantsho tsa 5.1 ho ya ho 5.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa noka ya Inkomati. Le ha e le mona sebaka sena se wela ka tlasa Afrika Borwa, ditaba tsena di kenyeleditse le naha ya Swaziland hore mmadi a tle a utlwisise haholwanyane.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D5.5 le D5.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000. sena se kenyelletsa le matamo a Maguga le Inyaka.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo ho kenyelletswa le dimilione tse 25 m3/a tse hlokehang bakeng sa merafo sebakeng sa Middle Olifants.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo ho kenyelletswa le dimilione tse 25 tse hlokehang bakeng sa merafo sebakeng sa Middle Olifants.
Seo e leng sa bohlokwa haholo sebakeng sa Inkomati ke ho theha polokelo le ho etsa matsapa a hore metsi a itseng a phallela naheng ya Mozambique. Karolong ya dimilione tse ka bang 3539 m3/a sa metsi a mathang tse tswang sebakeng sena, ho lekanngwa hore ke dimilione tse 1857 m3/a feela tse phallelang ka Mozambique.
Ho latela ditumellano tse teng pakeng tsa Afrika Borwa le Swaziland ha mmoho le Mozambique, dinaha tse pedi tsa pele di lokela ho ntsha bonyane bo ka bang dimilione tse 109 m3/a ho ya Mozambiqe sebakeng sa Komatipoort. Ha hona ditumellano tse ding tse teng pakeng pakeng tsa dinaha tsena le Mozambique.
Ho tsamaiswa ha metsi ho ya sebakeng sa tsamaiso sa Olifants bakeng sa ho fehla motlakase ke bokgoni ba dimilone tse 100 m3/a ka sebaka. Tumellano e entsweng ke Afrika Borwa le Swaziland e dumella tsamaiso ya metsi a ka bang dimilione tse 132 m3/a ka sebaka ho tloha sebakeng sa tlatsetso, e leng metsi a lokelang ho bolokwa sebakeng sa Komati.
Metsi ao Afrika Borwa e a fumanang ho tswa ho Komati Basina Water Authority ke metsi a etseditsweng ditumellano ke dinaha tsa matjhaba.
Metsi a lokelang ho ntshetswa naha ya Mozambique ho latela ditumellano tsa matjhaba.
Sebaka sena sa Usuthu le Mhlathuze se wela ka tlasa profense ya leboya la Kwazulu Natal mme karolo e itseng ya yone a wela tlasa Mpumalanga, mme e ikgohla ka moedi wa Swaziland le Mozambique (sheba mmapa wa D6). Dinaha tsena di arolelana dinoka tse pedi. Mohlodi wa noka ya Usutu o Afrika Borwa mme noka yona e phallela Swaziland Karolo ya tlatsetso ya Pongola e wela naheng ya Swaziland. Dinoka tsena tse pedi di phalla mmoho ka hara Afrika Borwa pele di kena ka hara naha ya Mozambique e se e le noka ya Maputo. Maemo a lehodimo a ka hlaloswa a le metsi mme a fapana ka dibaka. Pula e na ka tsela ya 600mm ho ya ho 1500mm. Moruo o itshetlehile haholo hodima pula e nang, ho bolemi, ho fepeleng dijalo, meru le bohahlaudi mmoho le dibaka tsa diindasteri tse kang Richards Bay/Empangeni. Dibaka tsa metsi tse kang Upper Usutu, Mkuze le Mhlatuze di tswetse pele hantle. Hape hona le kgoneho ya tswelo pele e ntle dibakeng tse kang Pongola le Mfolozi. Tshebediso ya metsi a mobung dikarolong tse ngata tsa tsamaiso ya metsi e tlase mme e hloka ho hlabollwa.
Tshebedisano e tiileng e teng dibakeng tsa ngata moo phallo tsa metsi a mobung le a ka hodimo ho mobu di kopanang teng, moo ho leng ho bohlokwa ho lekanya bakeng tsa moo ho leng metsi, haholo moo tse ding di leng dibakeng tse nkwang jwalo ka tsa paballo ya dibaka. Palo e kgolo ya metsi e fetiswa ho tswa Upper Usutu ho ya dibakeng tsa tsamaiso ya metsi ho Upper Vaal le Upper Olifants, diphitiso hape di a etswa ho tswa ho sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Thukela ho ya ho sa dibakeng tse nyane tsa Mhlatuze.
Ho lebelletswe hore kgolo e tla ba nyane lenaneng la batho dibakeng tsa tsamaiso ya metsi nakong e hlalositsweng. Palo e tlase ya batho mahaeng e tla lekanngwa ka ho hola ha ho fallela ditoropong dibakeng tsa Richards Bay/l e Empangeni. Kgolo ditlhokong tsa metsi di tla kgona ho tsejwa ka baka la mesebetsi diindastering sebakeng sa Richards Bay, moo le boima ho ka lekanngwa..
Ditshwantsho tsa D6.1 ho ya 6.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantsho 6.1 ho ya ho 6.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa noka ya Usutu le Mhlatuze.
Ha hona tlhahisoleseding e lakaneng mabapi le sebaka sa Usutu le Pongola tse fumanehang naheng ya Swaziland. Ntle le ditaba tse buang ka pula feela ha hona tlhahisoleseding e nngwe e fumanehang ka hara Swaziland. Ha hona dipalopalo tse ntshitsweng bakeng sa Swazilang le dibakeng tse ding ditshwantsong.
Setshwantsho D6. 1: PHALLO YA TLHAHO MMOHO LE POLOKELO YA NAHA million m3/a?
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang disthwantshong D6.5 le D6.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba le moruo.
Sena se itshetlehile ho ahweng ha matamo a Embiane le Vaderland. Hona le kgonahalo ya ho haha letamo le leng sebakeng sa Upper Usutu.
Hona le metsi a mangata a fumanehang ho tswa letamong la Pongolapoort mme hape hona le kgonahalo ya hore ho ka fumanwa metsi a mang a mangata ho tswa nokeng ya Pongola. Hona le lefatshe le lekaneng sebakeng se akareditseng noka ya Pongolapoort mme sebaka sena se ka sebedisetswa temo ka ha ho ena le tsela e ntle ya ho fepela dijalo. Sena se ka thusa ho fedisa bofuma le ho ho aha dibaka tsa mahaeng. Sebaka se eso kang se hauwa nokeng ya Pongola se fana ka monyetla o motle wa ho eketsa metsi a haellang nokeng ya Vaal.
Le ha e le mona ho bonahala bongata bo boholo setshwantshong sa D6.4 sebakeng sa upper Usutu, ho ka nna ha eba teng kgaello ka mora nako. Kgaello e bonahalang sebakeng sa Mfolozi e bakwa ke ho fepela, le ho boloka metsi ka hara polokelo.
Metsing a ka bang dimilione tse 901 m3/a tse phallang nokeng ya Usutu, ho lebelletswe hore ke dimilione tse 592 m3/a feela tse tla fetela ka Swaziland.metsing a ka bang dimilione tse 1344 m3/a tse phallang nokeng ya Pongola ho kenyelletswa le metsi a tswang Swaziland, ho lebelletswe hore e tla ba dimilione tse 968 m3/a feela tse tla fihla naheng ya Mozambique.
Sebaka sa Mhlatuze se batla se le tshophodinyana moo honang le metsi a mangata ho feta a hlokehang ho fepela dimela. Le ha ho le jwalo metsi a fetisetswa sebakeng sa Thukela hore a tle a sebediswe ka hara motse wa toropo le dibakeng tsa diindaseteri. Le ha e le mona tlhokeho ya metsi e batla e kgotsofaditswe sebakeng sena, ho ntse ho ena le ho se lekane.
Dintlha tse latelang ke tsa bohlokwa ha ho shejwa sebaka sa Usutu le Mhlatuze.
Ho tloswa ha metsi ho ntseng ho tswela pele ho tloha nokeng ya Thukela ho ya Mhlatuze ka tshebediso ya metsi ya dimilione tse 40 m3/a ho ka nna ha nyollelwa dimilioneng tse 94 m3/a.
Ho ahwa ha matamo a matjha nokeng ya Pongola le ho aha sebakeng sa Upper Usutu ho ka nna ha ba le ditlamorao tse mpe ditabeng tsa ho isa metsi ho Upper Vaal.
Sebaka sena se tsamaelana le sebaka tlatsetso sa noka ya Thukela mme se fumaneha profenseng ya Kwazulu Natal. Sebaka sena se na le sebopeho se tshwanang le se o ho fannweng ka sona, mme se ba le mahokela sebakeng sa tsamaiso sa Drakensburg. Ho ya lewatleng la India, jwalo ka ho bontshitswe mmapeng wa D7. Karolo e nngwe ya sebaka sena e fumane boemo bo phahameng ba tsamaiso ya tikoloho. Pula e na haholo pela dithaba le lewatleng, mme yona e na ka tsela ya 600mm ho ya ho 1500mm.
Sebaka sa Thukela sa tsamaiso ya metsi se mahaeng, moo honang le difate, tulo ya ho lema le bohahlaudi ba tikoloho. New Castle ke e nngwe ya dibaka tseo ho sebeletswang ho sona, mme o mong mesebetsi ke sebaka seo ho sona ho etswang dipampiri pela Mandini.
Ka lebaka la bophahamo bo boholo ba metsi a phallang boemong ba naha bo botle, Thukela Basin e fana ka menyetla e metle ya disebediswa ka hara naha ya Afrika Borwa. Ditsamaiso tse ding tsa metsi di fumaneha sebakeng se tlohang nokeng ya Mooi ho ya nokeng ya Mgeni sebakeng sa Mvoti ho ya Mzimkhulu, le ho tloha nokeng ya Buffalo ho ya sebakeng sa Upper Vaal, hape leho tloha Usutu ho ya Mhlatuze. Ho lebelletswe hore kgolo ya setjhaba e tla dula e sa fetoha ka nako e itseng mona ha hona dintho tse ngata tse ka nyollang moruo.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D7.5 le D7.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho ahweng ha matamo a Jana, Mielietuin le Springgrove.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho ahweng ha matamo a Jana, Mielietuin le Springgrove.
Metsi a fumanwang nokeng ya Thukela a sebediswa haholo ho kgotsofatsa ditlhoko tsa metsi ka hara naha, ho ntshwa dipersente tse bang 70 tsa metsi ho ya dibakeng tse ding. Ha hona dintho tse matla tse ka etsang hore moruo o eme hantle sebakeng sena, mme mosebetsi wa ho fepela dijalo le wona o ke ke wa etsa hore moruo o eme hantle. Ha ho shejwa ntlha ya hore ho lebelletwe kgolo e phahameng ya metsi sebakeng sa Upper Vaal, Cocodile (Bophirima), le Marico, Mvoti ho ya Mzimkulu le Usutu ho ya Mhlatuze, ho bonahala hore dbaka tsena ha di kgone ho fana ka phepelo e lekaneng ya metsi, ka hoo di fumana metsi ho tswa sebakeng sa Thukela. Ke tshwanelo dibaka tse ngata tse tlasa taolo ya Thukela di wela ka ho otloloha tlasa tsamaiso ya Letona ho etsetsa hore naha kaofela e kgole molemo. Kgodiso ya dibaka tsa ditoropo le diindasteri sebakeng sena e ka ba molemo haholo, empa e tla lokela hore e sebetse ho ntshetsa pele setjhaba sa mona.
Dikgaello tse hlahellang setshwantshong sa D7.4 di etswa ka lebaka la ho ahwa ha polokelo mme ha di bontshe dikgaello tse teng ka motsotso ona. Ka tsela ena kaho ya polokelo e lokela ho rerwa ka mokgwa o ikgethileng bakeng sa nako e tlang.
Ho tla hlokeha metsi a mangata sebakeng sa Thukela Basin hore a tle a kgone ho iswa dibakeng tse ding ka hare ho naha.
Ho tsamaiswa ha dimilione tse ka bang 630 m3/a tsa metsi ka sebaka ho tloha nokeng ya Thukela ho ya Upper Vaal.
Ho tsamaiswa ha metsi a ka bang dimilione tse 55 m3/a ka sebaka ho tloha ho lehlomela la Assegaai la noka ya Buffalo ho ya Upper Vaal.
Ho tsamaiswa ha metsi a ka bang dimilione tse 40 m3/a ho ntseng ho tswela pele ho tloha Usutu ho ya Mhlatuze.
D8.1 Sebaka sena se wela tulong e ka botjhabela ka hare ho naha. Ha motho a sheba sebaka sena a itshetlehile maemong a tsamaiso ya metsi o tla hlokomela hore ke sebaka sa bohlokwa haholo ka hare ho naha. Sebakeng sena ho tliswa metsi a mangata ho tswa dibakeng tse pedi tsa boahisane, mmoho le metsi a hlahang nokeng ya Upper Orange a parolang le Lesotho. Maemo a lehodimo mona a tshwana ka dinako tse ngata, mme pula e na ka tsela ya 600mm ho ya ho 800mm ka selemo.
Sebakeng se ka hodimonyana ho tulo ena hona le merafo ya kgauta le mashala, mme hona ho etsa hore moruo o be boemong bo botle sebakeng. Ho bonahala merafo e jwalo hape dibakeng tse kang tsa Crocodile (Bophirima) le Marico mme sena se ntsha dipersente tse ka bang 45 tsa kenelo ya moruo wa naha (GDP).
Ka lebaka la hore sebaka sena se ditoropong le hore moruo o phamame haholo mona, sebaka sena se tlasa taolo e maemong a hodimo haholo, mme ntshetsopele ya nako e tlang e bonahala e le nyane. Metsi a fumanehang mobung a sebediswa haholo bakeng sa ntshetsopele ya mahae le ho fepela.
Ho bonahala ekare kgolo ya setjhaba le ya moruo e tla dula e phahame dibakeng tsa ditoropo le tsa diindasteri. Le ha ho le jwalo ho bonahala ekare kgolo ya setjhaba e tla fokotseha dibakeng tse kang Qwa Qwa.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D8.5 le D8.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho ahweng ha letamo nokeng ya Klip.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sebaka sena se hahilwe haholo. Metsi a kenang le ho tswa a laowa ke tlhoko ya moruo le ya batho sebakeng sena.
Ho tla hlokomelwa hore se hlahellang setswantshong sa D8.4 e tla ba metsi a saletseng ha ho tliswa metsi a tswang letamong la Mohale ka hara naha ya Lesotho. Le ha ho le jwalo, ho tla tsamaiswa metsi a hlokehang feela. Hape ho lokelwa ho hlokomelwe hore le ha e le mona ho tsamaiswa metsi a mangata hakana sebakeng sena ho ka nna ha be teng kgaello e etsahalang hobane letamo la Grootdraai ha le maemong a loketseng.
Boleng ba metsi nokeng ya Vaal ha mmoho le mahlomeleng a mang di hahlametswe haholo ke merafo le diindasteri tse fumanehang mona. Ka tsela ena metsi a laolwa ke tsela e hodimo haholo ho etsetsa hore boemo ba ona bo se hahlamelwe ke ntshetsopele ena.
Jwalo ka ha e le mona sebaka sena se tswetse pele ha kana, kgolo ya nako e tlang e tshwanela ho tsamaisana le tsamaiso ya metsi ho tloha dibakeng tse ding tsa tsamaiso ya metsi. Diphuputso tse sa tswa etswa di supa hore ho hauwa ha letamo nokeng ya Klip ho ntseng ho lohothwa e ka nna ya eba lona leano le letle.
Ho tsamaiswa ha metsi ho ntseng ho tswela pele ho tloha sebakeng sa Thukela ho fihla dimilioneng tse 630 m3/a tsa metsi tsa sebaka. Molemo o tla kgolwa ke sebaka sa Vaal ke dimilione tse 736 m3/a tsa metsi ka sebaka.
Ho tsamaiswa ha metsi ho ntseng ho tswela pele nokeng ya Thukela mme boloketswe ho iswa sebakeng sa Upper Vaal ka metsi a dimilone tse 475 m3/a tsa sebaka.
Ho tsamaiswa ha metsi a ka bang dimilione tse 55 m3/a ka sebaka ho tswa sebakeng sa Thukela ho ya Upper Vaal ho ntseng ho tswela pele. Metsi ana a bolokilwe sebakeng sa Thukela.
Ho tsamaiswa ha metsi ho tloha Usutu ho ya Mhlatuze ka bokgoni ba dimilione tse 63 m3/a tsa metsi ka sebaka.
Ho tsamaiswa ha metsi ho tswa Upper Vaal ho ya sebakeng sa Olifants ka tsela ya dimilione tse 36 m3/a bakeng sa ho fehla motlakase. Sena se bonahala ditshwantshong tsa D8.3 ho ya D8.6.
Ho tsamaiswa ha metsi ho tloha sebakeng sa Upper Vaal ho parola le sebaka sa tsamaiso ya metsi sa Rand Water ho kgotsofatsa ditlhoko tsa metsi tsa noka ya Crocodile (Bophirima) le Marico. Ka motsotso ona sena se ikarabella ho dimilione tse 514 m3/a tsa metsi ka sebaka mme ho lebelletswe hore sena se ka nyolohela ho dimilione tse 1125 m3/a tsa metsi ka sebaka.
Ho ntshwa ha metsi ho tloha Upper Vaal ho bathong sebakeng sa MiddleVaal le Lower Vaal. Ho lebeletswe diphetoho tse nyane haholo tsamaisong e ntseng e tswela pele ya metsi ya dimilione tse 828 m3/a tsa metsi ka sebaka le ha e le mona sena se ka nyolohela ho dimilione tse 910 m3/a tsa metsi ka sebaka ka selemo sa 2025.
Sebaka sena se bohlokwa haholo tsamaisong ya noka ya Vaal.
Sebaka sena se wela ka hara diprofense tsa Free State le North West bohareng ba Afrika Borwa. Se akaretsa bohare ba noka ya Vaal, pakeng tsa Upper Vaal le Lower Vaal. Pula ha e ne haholo ka dipakeng tsa 400mm ho ya ho 1900mm ka selemo.
Ha hona dibaka tsa tikoloho tse ikgethileng mona mme metsi a tlase. Moruo o itshetlehile haholo leruong la diphoofolo ha mmoho le ho fepela dijalo. Hape hona le merafo ya kgauta dibakeng tsa Klerksdorp le Welkom se tlisang dipresente tse 45 tsa GDP.
Ho hauwa matamo mahlomeleng a noka ya Vaal. Metsi ohle a phallang sebakeng sena a laolwa ke letamo la Bloemhof nokeng ya Vaal. Ha hona kgonahalo ya hore ho ka ba le ntshetsopele ya metsi a phallang sebakeng sena. Tshebediso e tsweletseng pele ya metsi a phallang bakeng sena e tla sebedisetswa ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng.
Ka lebaka la ho theoha ha merafo ya kgauta sebakeng sena ho lebeletswe kgolo e nyane ya setjhaba. Ke tsela eo, tlhoko ya metsi ke setjhaba ha e na ba hodimo hakaalo.
Ditshwantsho tsa D9.1 ho ya 9.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Middle Vaal. Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D9.5 le D9.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sebaka Lower Vaal sa tsamaiso ya metsi se fumaneha sebakeng sa leboya-bophirima ba naha ho parola le naha ya Botswana karolong e ka leboya. Maemo a omme, mme pula e na ka 500mm ho ya ho 2 800mm ka selemo. Ho phalla ha metsi ho hlaha ka tsela tse fapaneng ha motho a sheba se hlahang setshwantshong sa D10. Ho phalla ha noka ya Vaal ho thusetswa ke dipula tse matla le tsamaiso e matla ya sebaka sena. Metsi a phalla ka matla nokeng ya Harts, mme dinoka tsa Molopo le Kuruman di bonahala ekare di a tjha ha di ntse di eya pele ka lebaka la ho tjha ha metsi.
Tshepe, ditaemane le manganisi di a rafuwa sebakeng sena. Hape hona le boramapolasi mmoho le ho fepela ho matla ha dijalo sebakeng sa Vaalhards. Kimbarley, e leng yona e parolang Lower Vaal le Upper Orange ke yona toropo e kgolo sebakeng sena. Barberspan, eo e leng sebaka se fumanehang nokeng ya Harts ke letangwana la Ramsar. Se ka etsang bokahodino ba dipersente tse 50 tsa metsi di fumaneha metsing a mobung. Metsi a fumanehang mobung sebakeng sa Sishen a sebediswa bakeng sa ho fepela le ha e le mona ka dinako tse ding a sebedisetswa merafong. Boleng ba metsi bo bohlokwa haholo sebakeng sena dibakeng tse tlase tsa dinoka tsa Harts le Vaal. Ho etsa hore bothata bona bo fele boleng ba metsi a tsamaiswang ho tloha nokeng ya Orange ho ya Douglas Weir bo tla ba bohlokwa haholo nokeng ya Vaal.
Hona le kgonahalo e nyane bakeng sa ntshetsopele ya moruo lebatoweng lena, mme ditekanyo tsa nako e tlang di bontsha diphetoho tse nyane kgolong ya lenane la batho sebakeng sena sa tsamaiso ya metsi. Ha bonahala diphetoho tse nyane ditlhokong tsa metsi.
Ditshwantsho tsa D10.1 ho ya 10.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Middle Vaal. Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Ho phalla ho lebelletsweng ha metsi sebakeng sa tlatsetso se senyeha ka baka la ho fetoha mouwane pele se fihle nokeng ya Orange.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D10.5 le D10.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho nosetsa ha dimela ke hona ho ka sehlohong sebakeng sena, mme ho nka dipersente tse 80 tsa tshebediso ya metsi. Bongata ba metsi ana bo fumaneha sebakeng sa Vaalharts, e fumanang metsi nokeng ya ha a tsamaiswa ho tloha Upper Vaal le Middle Vaal. Leano lena la ho fepela, le thusa hape hore ho tle ho sebediswe metsi a a seng boleng bo boholo mme a etswa sebakeng sa tsamaiso ya metsio sa Upper Val mme hape se thusa hore ho thibelwe metsi a boemo bo tlase hore a se be letswai. Metsi kaofela a tliswang sebakeng sa Lower Vaal ke dipersente tse 80 tsa metsi kaofela a hlokehang. Se hlahellang setshwantshong tsa D10.4 bakeng sa noka ya Vaal letamong la Bloemhof e ba teng ka lebaka la ho nosetsa sebakeng se tlase sa noka ya Vaal.
Tsamaiso ya metsi a fumanehang nokeng ya Vaal e etswa ka tshwarisano pakeng tsa Middle Vaal le Upper Vaal le hore ho laolwe phallo ya metsi sebakeng sa Orange-Vaal.
Tsamaiso ya boleng ba metsi dinokeng tsa Vaal le Harts.
Tsamaiso ya metsi a mobung ho etsetsa hore a sebediswe ka tsela e tshwanang ka dinako tsohle.
Hape ho tla shejwa hore tsamaiso ya metsi e etswa jwang le hore batho ba kgola molemo o mokae metsing.
Hona le molao e itseng e shebaneng le tsamaiso ya metsi a tsamaiswang ho tloha le ho ya sebakeng sa tsamaiso sa Lower Vaal.
Ka motsotso ona ho tsamaiswa metsi a ka bang dimilione tse 500 m3/a tsa metsi ho tloha Middle Vaal ho ya Lower Vaal mme ha nako e tsamaya sena se ka na sa nyolohela ho dimilione tse 555 m3/a.
Sebaka sa tsamaiso sa Lower Vaal ka karolo ya se bitswang Vaal River System, e parolang dibaka tse ngata tsa tsamaiso ya metsi. Jwalo ka ha e le mona tsamaiso ya metsi e le yona e re bontshang bongata kapa boleng ba metsi a fumanehang, tsamaiso ya metsi sebakeng sena e tswa mmusong o bohareng.
Sebaka sena se fumaneha lewatleng le ka botjbabela ba naha, mme haholoholo se ikgohla le profense ya Kwazulu Natal, hape e ithathike le naha ya Lesotho ho ya bophirima. Se fumaneha tulong e mongobo ka hare ho naha ka pula ya 800mm ho ya ho 1500mm. Sebaka sena se fokotswa metsi ke dinoka tse mmalwa tse tsamayang ho sona, tseo tse pedi tsa tsona di tlohang dithabeng tsa Maloti moeding wa Lesotho. Hape hona le dinokana tse nyane pela lewatle, jwalo ka ha re ka bona mmapeng wa D11. Dibaka tse ngata tsa metsi di ntse di le boemong ba tlhaho.
Mona batho ba etsa mesebetsi e mengata ho iphedisa. Dibaka tsa mahaeng di bonwa ka temo le borui ba diphoofolo. Ho bonahala temo e matla ya mmoba ho ithathika le lewatle ha mmoho le meru a meholo dibakeng tse ratwang ke pula. Sebaka sa Durban Metropolitan ke sona sa bobedi ka ho tswela pele le ka diindasteri ka hare ho naha mme hona le mahlomela a dikgwebo ho ithathika le lewatle le ho elella Pietermaritzburg.
Ho bonahala diphapang tse ngata tseleng eo metsi a sebediswang ka yona. Noka ya Mgeni, eo e leng yona e fepelang dibaka tsa Durban le Pietermaritzburg, e hahetswe hantle ka matamo a yona, mme e thusetswa hape ke phumantsho ya metsi a atswang sebakeng sa tsamaiso sa Thukela. Ka lehlakoreng le leng, dinoka tsa Mkomazi le Umzimkulu tsona ha di a tswela pele hakaalo. Metsi a phallang hodima mobu a sebedisetswa ho ntshetsa pela dibaka tsa mahaeng.
Ho lebelletwe hore sebaka sa Mgeni se ka bona kgolo e phahameng ya setjhaba le hore moruo o hole dibakeng tsa Durban le Pietermaritzburg ha e le mona sebaka se tse se fetoha sebaka sa ditoropo.
Ditshwantsho tsa D11.1 ho ya 11.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Mvoti ho ya Umzimkulu. Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D11.5 le D11.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sebaka sena se itshetlehile haholo tshebetsong ya Mgeni eo e long yona e fepelang sebaka sa Durban le Pietermaritzburg le dibaka tse mabapi. Tlhokeho ya metsi sebakeng sena e feta phumaneho ya ona, mme ho hlokeha hore ho etswe matsapa a hore metsi a fumanehe. Ho bonahala kgaello e itseng sebakeng sa Mvoti le Mkomazi mmoho le dibaka tse ka lewatle. Dikgaello tsena di etswa ke hore ka dinako tse ding metsi a na le ho fokotseha ka lebaka la hobane ho bolokilwe metsi a manyane polokelong ya ona. Dikgaello tse hlahellang setshwantshong sa D11.4 sebakeng sa Umzimkulu.
Boleng ba metsi sebakeng sena bo susumetswa ke metsi a kgutlang ditoropong le a tswang dibakeng tse sa fumaneng thuso e sa lekaneng.
Ho se ho fumanwe katleho e kgolo ka ho lokisa bothata ba tlhokeho ya metsi sebakeng sa Mmasepala wa Thekong ka ho sebedisa ditsela tsa ho sireletsa tshebediso ya metsi. Hona le mehato e etswang hore maemo a kgutlele setlwaeding sebakeng sena. Tse ding tsa dintho tse etswang hore maemo a kgutlele setlwaeding di hlalositswe ho kgaolo 2.5.
Ho tsamaiswa ha metsi a mang hape ho tloha nokeng ya Mooi sebakeng sa Thukela. Ho se ho entswe mekutu e itseng hore ho ka eketswa bongata ba metsi ka dimilione tse 100 m3/a ho ya ho dimilione tse 136 m3/a ka ho haha letamo la Springgrove nokeng ya Mooi.
Ho eketswa ha metsi a iphetang ho tswa ho masepala wa Durban. Le ha e le mona se ka etsang dipersente tse 15 e le metsi a iphetang bongata ba ona bo ntse bo phallela lewatle.
Ho tsamaisa metsi ho tloha nokeng ya Mkomazi ho ya nokeng ya Mgeni. Nakong e tlang, metsi a ka nna a tsamaisetswa nokeng ya Umzimkulu.
Noka ya Mkomazi e se e bonwe e le se seng sa dintho tsa bohlokwa ho eketsa boemo ba metsi sebakeng sa Durban le Pietermaritzburg. Ntshetsopele ya noka ena e tshwanela ho etsetswa sepheo sena. Polokelo ena e kena sebakeng sa Mvoti le Umzimkulu.
Sebaka sena se wela ka ho otloloha profenseng ya Eastern Cape mme se iphaphatha le naha ya Lesotho (sheba mmapa D12). Maemo a lehodimo a mongobo, mme pula e na ka tsela ya 700mm ho ya ho 1500mm ka selemo, empa e thohela ho 400mm sebakeng se ka bophirima. Hona le dinoka tse tharo tse phallang ho ya lewatle, mme hape hona le melatswana e menyenyane e phallelang lewatle. Noka ya Umzimvubu ke noka e kgolohadi e sa hauwa ka hara naha.
Mobu o sebedisetswa haholo bakeng sa ho rua diphoofolo le temo. Hona le dibaka tse lenanenyana tsa ho nosetsa, mme tse ding tsa tsona ha di sebetse. Difate di lengwa haholo dibakeng tsa dipula tse ngata. Mesebetsi e fumaneha haholo dibakeng tse kang East London, e leng sebaka se tsejwang haholo ka ho bopa makoloi le diaparo.
Tsela eo ntshetsopele ya dintho tse sebedisang metsi ha e tshwane. Ha ho eso hahuwe matamo a bohlokwa sebakeng sa noka ya Mzimvubu. Hape hona le kgonahalo ya tswelopele e ntle nokeng ya Mbashe. Noka ya Mtata e maemong a matle ka lebaka la tsamaiso e ntle ya letamo la Mtata, mme hona le matangwana a hauweng sebakeng sa Kei, haufi le noka ya Buffalo.
Ditshwantsho tsa D12.1 ho ya 12.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Mzimvubu ho ya Keiskamma.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D12.5 le D12.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho hahweng ha matamo a mmalwanyana sebakeng sena.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho hahweng ha matamo a mangata sebakeng sena.
Ho latela se hlahellang setshwantshong sa D12.4 ho bonahala ekare sebaka sena se tshwere metsi a lekaneng ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho ba sebaka sena.
Bongata ba metsi bo fumanwang sebakeng sa Amatola bo fokotsa kgaello e bonahalang sebakeng sa noka ya Buffalo. Bokatlase ba noka ya Buffalo bo nale bothata ba metsi a ditshila ka lebaka la ho qhallwa ha dikgwerekgwere ka nokeng ke diindasteri tse fumanehang sebakeng sena. Balaodi ba sebaka sena sa noka ya Buffalo ba lokela ho ela hloko boleng le bongata ma metsi kaha a fepela dibaka tsa East London le Bisho. Moo ho fumanwang kgaello dibakeng tse itseng, ditsela tse fumanwang karolong ya 2.5 di tshwanela ho elwa hloko.
Ho se lekane ha dibaka tse lokiseditsweng ho tsamaya metsi dibakeng tsa tsamaiso ya metsi.
Ha ho hlokomelwa hore Umzimvubu ke noka e kgolohadi e sa hauwang hantle ka hare ho naha, kaho ya noka ena e bonahala e le ya bohlokwa naheng ka bophara. Ho bohlokwa ke hona hore ho be le molao o tswang mmusong o bohareng hore noka ena e ka ntshetswa pele.
Sebaka sena se wela hantle ka hare ho naha, mme se elella borwa ba profense ya Free State le dibakeng tse ka botjhabela ho Northern Cape. Se ikgohla ka naha ya Lesotho, moo noka ya Orange e kopotsang teng, ka lebitso la Senqu (sheba mmapa D13). Senqu se fana ka ho ka etsang dipersente tse 60 nokeng ena ya Upper Orange. Maemo a lehodimo ha a dule nqa e le nngwe sebakeng sena, mme pula e na ka se ka etsang 1000mm ke sebaka botlaseng ba dithaba le se ka bang 200mm ka sebaka ho elella ka bophirima. Sebaka sena ke se jwang bo bongata, mme borui ba dinku le dikgomo bo atile haholo.
Tsamaiso ya metsi e shebane haholo le noka ya Orange. Matamo a mabedi a tebileng ka ho fetisisa Afrika a hauwe sebakeng sena, mme a sebetsa ho fetisetsa metsi ho tloha Senqu (Orange) ho ya Upper Vaal. Matamo a Gariep le Vanderkloof, e leng ona a thusang ho fehla motlakase le ona a boloka metsi a mangata ka ho fetisisa naheng. Ho tloha letamong la Gariep, ho tsamaiswa metsi a mangata sebakeng se ka etsang 80 km ka tonnoro ya Orange-Fish ho ya Tsitsikamma.metsi a mang a mangata a tswang sebakeng sena a lokollwa ho ya sebakeng sa Lower Orange ho ya Namibia. Ka kakaretso, se ka etsang dipersente tse 70 tsa metsi a tswang Upper Orange le Lesotho a lebiswa dibakeng tse ding tsa tsamaiso ya metsi.
Le ha ho le jwalo, ho ntse ho ena le kgoneho ya hore ho ka tswedisetswa sebaka sena pele nokeng ya Orange, moo ho bonweng sebaka sa ho haha matamo a mang moo ho kopanang dinoka tsa Orange le Kraai, le Mashai ka Lesotho. Mahlomela a dinoka tsa Modder le Riet a se a hahilwe ka ho lekaneng.
Ditshwantsho sa D13.1 ho ya 13.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso tsa 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi saMzimvubu ho ya Keiskamma.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D13.5 le D13.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho fumaneha ha metsi a ka bang dimilione tse 900 m3/a tsa metsi ho itshetlehile ho hahweng ha letamo la Mashai ka Lesotho mmoho le letamo la Boskraai moo dinoka tsa Orange le Kraai di kopanang kapa ka ho aha letamo la Boskraai.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho fumaneha ha metsi a ka bang dimilione tse 900 tsa metsi ka sebaka ho itshetlehile ho hahweng ha letamo la Mashai ka Lesotho mmoho le letamo la Boskraai moo dinoka tsa Orange le Kraai di kopanang kapa ka ho aha letamo la Boskraai.
Metsi a mangata a fumanehang sebakeng sena ha a eso sebediswe, jwalo ka ha ho bonwa setshwantshong sa sa D13.4. Le ha holwe jwalo, sena se tla fokotseha haholo ha mosebetsi o qala letamong la Mohale naheng ya Lesotho. Dikgaello tse bonahalang mahlomeleng a itseng ke lebaka la mosebetsi o etseditsweng Polokelo, e ntseng e lokela ho kenngwa tshebetsong. Sena se itshetlehile ntshetsopeleng ya dibaka tse ding, ho kenyelletswa Lesotho le Namibia.
Sa bohlokwa haholo ke Projeke ya Metsi a Dihlaba ya Lesotho. Le ha e le mona dinaha tsa Afrika Borwa le Lesotho di se di qadile kaho ya matamo a Katse le Mohale, mmoho le phetolelo ya Matsoku, tumellano ya dinaha tsena tse pedi e supa hore ho sa ntsane ho entswe karolo 1 feela ya projeke, le hore hona le kgonahalo ya ho tswela pele ka ho tlisa bokgoni ba dimilione tse 2200 m3/a tsa metsi ka sebaka. Qeto ya ho qetela e se e tla nkuwa ha ho buisanwe le ba amehang dinaheng tsena tse pedi mabapi le Orange River Basin. Diphuputso tse ding tse etswang ka kopanelo di ama kgonahalo ya ho aha noka ya Caledon e arolelanwang ke dinaha tsena tsa Lesotho le Afrika Borwa.
Sebakeng sena, moruo o itshetlehile haholo hodima merafo le temo. Merafo e kenyelletsa ho rafuwa ha ditaemane kapa diminerale tse ding metsi a mobung le ho ya fihlella lewatle. Ho nosetswa haholo ho ikgohlale noka ya Orange mmo ho lengwang ditholwana. Le naha ya Namibia e fumana metsi a yona mona bakeng sa mosebetsi wa merafo le ho nosetsa. Moo maemo a lehodimo a leng matle ho ruuweng dinku le diphoofolo tse ding.
Mehlodi ya metsi dibakeng tsena e ntsheditswe pele ka botlalo. Ka baka la hobane metsi a tsamaya sebaka sa dikilomitara tse 1 400 ho tswa moo metsi a lokollwang teng sebakeng sa letamo la Vanderkloof ho di dibakeng tse motheong bakeng sa tshebediso, hona le tahlehelo e kgolo ya metsi e bang teng nakong ho lekwang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa mosebedise. Monyetla o teng boemong bona ke ba ho aha letamo le letjha sebakeng sa noka ya Lower Orange bakeng sa morero wa ho fana ka polokelo ya metsi. Letamo la mofuta ona le ka sebetsa mosebetsi wa bobedi wa ho ka nka metsi a qhalehileng ho tswa motamong a dibakeng tse hodimo dibakeng tseo tsa tsamaiso ya metsi. Tlhabollo e ikgethileng dibakeng tse borwa tsa metsi, ke ka baka la tshebediso ho soomwalle kapa mabopo a mobu a kgonang ho nka metsi ho tswa kantle lefatsheng, hona ho ka nkuwa jwalo ka kotulo ya metsi?
Sebakeng sena ho bonahala e le hore kgolo ya setjhaba e tla ya tlase nakong ya dilemo tse 25 tse tlang. Hape ho bonahala hore moruo o tla itshetleha mapolasing le nosetso, mmoho le bohahlaudi. Hape hona le kgonahalo ya hore ho ka behellwa ka thoko sebaka se ka etsang dihekthara tse 4 000 bakeng sa phepelo le ho thusa boramapolasi ba ntseng ba hola jwalo ka ka morere wa ho lwantsha bofuma. Metsi a tla sebediswa bakeng sa morero ona, a tla tswa sebakeng sa Upper Orange.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D14.5 le D14.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba. Ho kenyeletswa le ho eketseha ha dihekthara tse 4000 sebakeng sa phepelo ya metsi Orange mme sena se tla hloka dimilione tse 54 tsa metsi sebakeng.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba. Ho kenyeletswa le ho eketseha ha dihekthara tse 4000 sebakeng sa phepelo ya metsi Orange mme sena se tla hloka dimilione tse 54 tsa metsi sebakeng.
Ha hona tikatiko hore sebaka sena se hahlametswe haholo ke ntshetsopele ya melapo, kaha e fumaneha tlasetlase dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse akaretsang Orange/Vaal Basin. Hona le karolelano ya metsi e kgolo sebakeng sena. Tshebediso ya metsi ka hara naha ya Lesotho, ho tloswa ha metsi ho tloha Lesotho ho ya upper Vaal, tlhokeho ya ho arolelana metsi le naha ya Namibia, le phumantsho e sa lekanang ya metsi ho bonahalang setshwantshong sa 14.4 ke tse ding tsa dintho tse tshwanetseng ho elwa hloko.
Ha e le mona dipersente tse ka hodimo ho 90 di sebedisetswa ho fepela, ho bohlokwa hore dintho tse amanag le phepelo di etswe hore di be boemong bo loketseng. Tsamaiso le yona e lokela ho ntshetswa pele.
Ho hulwa ha metsi ke naha ya Namibia le dipuisano tse mabapi le ditaba tsa metsi ke ditaba tse tshwanelang ho ba tlasa taolo ya mmuso o bohareng. Ditumellano tse teng ka motsotso ona ke tsa hore Namibia e hule metsi a ka bang dimilione tse 50 m3/a tsa metsi ha mmoho le a mang a ka etsang dimilione tse 60 m3/a tlasa ditumellano tsa nako e kgutshwanyane, tse tla fihla pheletsong ka la 31 Tshitwe 2007. Le ha ho le jwalo, ka selemo sa 2000 ho ne ho se ho hutswe karolonyana e nyane feela ya metsi ditumellano le Namibia di supa hore ho lokela hore metsi a bolokwe sebakeng sa Lower Orange?
Tlhokomelo ya dikgohola sebakeng sa Orange/Vaal e tla ba tlasa mmuso wa bohareng ka lebaka la hore Orange le Vaal di susumetsana haholo.
Ntshetsopele e ka bang teng nokeng ya Orange e tla tswa mmusong ka lebaka la hore sena se ka tshwana sa ba le kgahlamelo naheng ya Namibia ha mmoho le ditlhokeho tsa ho tsamaisa noka ya Orange.
Sebaka sena se funeha borwa-botjhabelo ho Afrika Borwa, mme se tsitsitse ka hara profense ya Eastern Cape. Dibaka tse ka borwa-bophirima di na le dithaba tse ithathikang le lewatle. Maemo a lehodimo sebakeng sena a susumetswa ke moo sebaka se leng teng. Maemo a omelletseng a Karoo a fumaneha bohareng, moo pula e nang ka 600mm ho ya ho bonyane ba 200mm. Dibaka tse nyane tse pela lewatle di fumana dipula tsa 1 00mm. Hona le dibaka tsa polokelo ya diphoofolo sebakeng sena.
Ho hweba ka dinku le boya ba dinkur ke tsona tse hlahellang ka mahetla, le ha e le mona ka dinako tse ding ho eba teng ho nosetso dibakeng tse pela dinoka. Temo le yona e teng sebakeng se neng tse tsejwa ka la Ciskei nakong ya pele, mme hape lepolanka le a fumaneha dibakeng tse nang le pula e ngata. Moruo o itshetlehile haholo diindastering tse teng sebakeng sa Port Elizabeth le Uitenhage.
Matamo a mmalwa a teng sebakeng sena, empa ka lebaka la hobane boleng ba metsi bo se botle, ho hlokomeleha hore ntshetsopele e tla ba e nyane haholo nakong e tlang. Metsi a phallang dinokeng tsa Fish le Sundays (sheba setshwantsho sa D15), a na le letswai le lengata. Ka lebaka lena, metsi a mangata a lokileng a iswa sebakeng sa noka ya Orange le Upper Orange hore a kopanngwe le a mang. Metsi a kgutlang ho a sebediswang ho fepela le ona a baka ditshila tsena. Metsi a fumanehang mobung a sebediswa haholo ho fepela ditoropo le dibaka tsa mahaeng.
Kgolo ya moruo nakong e tlang e bonahala e tla ba feela sebakeng sa Port Elizabeth le Uitenhage (sebakana sa Algoa), le ha feela bohahlaudi bo lebelletswe dibakeng tsa lewatle. Kgolo ya setjhaba e lebelletswe dibakeng tsa diindasteri. Ho lebeletswe mesebetsi ya moruo bohareng ba dibaka ho se fetohe, mme ho tla ba le theoho ya kgolo ya batho e tlase e lebeletsweng dikarolong tsena.
Ditshwantsho tsa D15.1 ho ya 15.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Fish ho ya Tsitsikamma.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D15.5 le D15.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe kgolong e teng ditlhokong tsa metsi ka lebaka la kgolo ya setjhaba.
Sa bohlokwa ka sebaka sena ke tsamaiso ya metsi ho tloha sebakeng sa Upper Orange ho ya dinokeng tsa Fish le Sundays. Sena e ka ba metsi a iphetang ha leshome a metsi a fumanehang sebakeng sena. Ho feta moo dipersente tse 95 tsa metsi mona di sebedisetswa ho nosetsa, mme sena se tshehetswa ka ho otloloha ke noka ya Orange. Tsamaiso ya dinoka tsa Fish le Sundays le yona ke ya bohlokwa haholo sebakeng sena.
Ditlhoko tsa metsi di kgotsofatswa ka botlalo ka motsotso ona, ho kenyeletswa le tsa polokelo. Masalla a bonahalang setshwantshong sa D15.4 ke metsi a kgutlang hape a eya lewatle ka lebaka la hore a na le letswai le lengata.
Ho tla etswa bonnete ba hore sebaka sa Upper Orange se kgona ho fana ka metsi a ka bang dimilione tse 600 m3/a ho ya Fish ho ya Tsitsikamma. Metsi a mang a tswang nokeng ya Orange a tla lokollwa ka tumello ya mmuso. Hape ho rerilwe hore ho ka nna ha hauwa letamo la Guerna. Sena le sona se tla lokollwa ka tumello ya mmuso.
Sebaka sena se fumaneha lewatleng le ka borwa la naha mme e kenella ka hare ho naha sebakeng sa Little Karoo. Sebaka sena se na le dibaka tse pedi tsa maemo a lehodimo tse sa tshwaneng: sebaka se omelletseng sa bokahare ba Karoo se nkelwa metsi ke noka ya Gouritz ha mmoho le sebaka se mongobo se ikgohlang le lewatle ho ya borwa sebakeng sa dithaba tsa Outeniqua. Pula e na ka tsela ya 200mm ho ya ho 1000mm. Moruo o itshetlehile thuong ya dinku le dimphshe, ha mmoho le phepelo ya dijo tsa diphoofolo, morara mmoho le ditholwana tse ding sebakeng sa Little Karoo. Hape moruo o itshetlehile dinthong tse kang meru, bohahlaudi le diindasteri tsa petrokhemikhale. Metsi a fumanehang dibakeng tse omelletseng a na le letswai le lengata ka lebaka lamaemo a lehodimo le mobu.
Matamo a mmalwa a laola noka ya Gouritz ha mmoho le mahlomela yona. Hape ho se ho ile ha hauwa matamo a mang dinokeng tse pela lewatle moo honang le kgoneho ya ntshetsopele e nngwe. Metsi a mangata a fumaneha mobung mme hona le tshebedisano e kgolo pakeng tsa metsi a mobung le a ka hodima mobu sebakeng sa noka ya Olifants. Ho ntse ho ena le kgonahalo ya hore ho ka etswa melapo ka metsi a tswang Table Mountain Group aquifers. Metsi a manyane, a ka bang dimilione tse 0.7 m3/a tsa metsi a iswa sebakeng sa Breede bakeng tshebediso ke batho ba mahaeng.
Ho lebeletswe kgolo e fokolang ya setjhaba dibakeng tse ka hare ho naha, mme sena se tla tlisa diphetoho tse nyane tseleng eo metsi a hlokehang ka yona. Le ha ho le jwalo, hona le kgonahalo e kgolo ditabeng tsa bohahlaudi le ditabeng tsa petrokhemikhale dibakeng tsa lewatle ka lebaka la merero e teng ya kgase.
Ditshwantsho tsa D16.1 ho ya 16.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditShwantshong D16.5 le D16.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ditekanyetso tsa nakwana di itshetlehile tabeng ya hore diphuputso mabapi le maemo a tikoloho a shadingwa.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ditekanyetso tsa nakwana di itshetlehile tabeng ya hore diphuputso mabapi le maemo a tikoloho a shadingwa.
Ka motsotso ona hona le dikgaello tse bonahalang dibakeng tse welang tlasa sebaka sena, ntle le bokatlaseng ba noka ya Gouritz feela (sheba setshwantsho sa D16.4). Dikgaello tsena di bakawa haholo ke ditlhokeho tse sa kgoneng ho kgotsofatswa tsa metsi a ho nosetsa. Haholoholo dibakeng tse ommeng, hona le ho nosetsa ho honyane haholo ha dimela. Tlasa maemo a renang, dibaka tsohle tsa mahaeng kapa ditoropong di ka fumantsnwa thuso e hlokehang ka ho lekaneng.
Le ha ho le jwalo, ditlhoko tsohle tse amanang le metsi a ho nosetsa di ke ke tsa kgotsofatswa feela ke metsi a phallang a noka. Ho tshwanela ho dule ho ena le diteko tse lekaneng tsa ditlhoko tsa dipolokelo.
Jwalo ka ha e le mona ho lebelletswe kgolo e bonahalang dibakeng tse ka lewatle, tlhokeho ya metsi e tla ba kgolo haholo le yona.
Tshebediso ya metsi a phallang ho tloha Table Mountain e tshwanela ho fuputswa haholowanyane ka ha sena se fana ka menyetla e moholo bakeng sa nako e tlang.
Ke tshwanelo hape hore ho etswe diphuputso tse lekaneng tsa hore ditshebedisano mmoho ke dife pakeng tsa metsi phallang ka hodima lefatshe le ka metsi a mobung.
Ho tla etswa Polokelo bakeng sa ho tsamaiswa ha metsi a ka bang dimilione tse 0.7 m3/a tsa metsi tsa sebaka ho tloha ho tloha Gouritz ho ya Breede.
Sebaka sena se wela sebakeng se ka bophirima ho naha lewatleng la Atlantic mme se arolelanwa ke diprofense tsa Western Cape le Northern Cape. Ke se seng sa dibaka tse arohileng haholo ka hare ho naha ha ho shejwa ditaba tsa sona tsa tshebediso ya metsi.
Dibaka tsa bohlokwa mona ke Cederberg le sebaka sa noka ya Olifants. Pula e na ka ho fapana ka 1 000mm sebakeng se borwa ho naha le 100mm sebakeng se ka leboya. Boholo ba bohareng ba sebaka sena bo bonwa ka ho omella ha naha.
Metsi ohle a phallang hodima naha ke a tswang sebakeng se akaretsang Cederberg mme a phallela lewatle ka noka ya Olifants (sheba mmapa D17). Ho thehwa ha phallo e ikgethileng le boleng ba metsi ho etswa ke dintlha tsa mabaka a tlhaho tse lebatoweng lena, moo se sebetsang jwalo ka sebaka sa bodulo bakeng sa diphoofolo le dimela.
Boholo ba moruo bo itshetlehile temong, dipersente tse ka bang 95 tsa metsi di sebediswa bakeng sa nosetso. Dibakeng tse kang Koue Bokkeveld mmoho le haufi le noka ya Olifants ho lengwa ditholwana tsa dintho tase kang citrus le merara.
Dibakeng tse hole le metsi ho batla ho se na batho ba bangata ba ahileng teng, mme thuo ya dinku le dipodi ke yona e hlahelletseng ka mahetla haholo. Ha hona ditoropo tse kgolo sebakeng sena.metsi a phallang hodima mobu sebakeng sena a laolwa letamong la Clanwilliam le Bulshoek Barrage. Ha hona matamo maholo nokeng ya Doring le ha e le mona ho ena le matangwana a mangatanyana ka hara mapolasi a fumanehang mahlomeleng a ka hodimo.
Hona le kgonahalo e kgolo ya ntshetsopele ya matamo sebakeng sena, haholoholo ho ikgohla le noka ya Doring, empa sena se ka nna sa sitiswa ke kgahlamelo ya ntshetsopele ena ho tikoloho. Ho sebediswa metsi a mangata a mobung. Metsi a mangata a sebedisetswa ho fepela sebaka sa Sandveld. Hape hona le kgonahalo ya hore ho ka nna ha fumanwa metsi sebakeng sa Table Mountain G roup aquifers.
Ho bonahala ekare ho tla ba le phokotseho ya setjhaba seakeng sena. Mesebetsi ha e na ho hola, mme yona e tla itshetleha haholo nosetsong ya dimela le ho bohahlaudi.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D17.5 le D17.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho eketsweng ha metsi letamong la Clanwilliam le ho hahweng ha letamo la Melkboom.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho eketsweng ha metsi letamong la Clanwilliam le ho hahweng ha letamo la Melkboom.
Tlhokeho le tshebediso ya metsi sebakeng sena di bonahala di lekalekana. Mokgelo o bonahala feela letamong la Clanwilliam moo ditlhokeho tsa ho nosetsa di phahametseng, metsi a fumanehang le sebakeng sa Sandveld, moo honang le ho sebediswa hampe ha metsi a fumanehang mobung. Kgaello ya metsi nokeng ya Olifants e tla eketswa ke kaho ya polokelo, e leng yona e etsang halofo ya kgaello ena jwalo ka ha ho boletswe ho setshwantsho sa D17.4.
Karolong ya 2.5 ho bontshwa ditsela tse ka latelwang ho etsa hore tlhokeho le boteng ya metsi di kgone ho tsamaelana.
Metsi a sebaka sena a bang letswai ka dinako tse itseng tsa selemo le molemo wa ona dipheding tse kang dihlapi. Boholo ba noka ya Doring bo sa hlwekile, ka tsela ena ho lokela hore ho elwe hloko haholo.
Ho lokela ho etswe diphuputso tse ding ka sebaka sa Sandveld ho etsetsa hore tsamaiso ya sona e tle e be e loketseng.
Dibaka tse tebileng tsa Table Mountain di ka nna tsa ba le molemo o moholo ho tsamaiseng metsi a mobung.
Ho lokela hore ho bolokwe metsi sebakeng sa Breede ho latela tsela ya hore a iswe Olifants/Doorn. Ka motsotso ona ho tsamaiswa metsi a dimilione tse ka bang 2.5 m3/a tsa metsi ho ya kanaleng ya Inverdoorn bakeng sa nosetso ya dijalo.
Ho a hlokeha hore dibaka tsa Berg le Breede di ka fuputswa ka tsela ya tshwanelo. Ha ho a tshwanela hore ho se elwe hloko maemo a tsa lehodimo ha ho etswa diphuputso tsa ntshetsopele.
Sebaka sena se fumaneha tlasetlase ho naha, mme se wela ka ho otloloha profenseng ya western Cape. Maemo a lehodima a fapana haholo. Dithabeng tse ka bophirima dipula di na ka tsela e ka bang 1 500mm mme dibakeng tse ka tlasenyana ho elella ka botjhabela, pula e ka na ka tsela ya 300mm. Mona pula e na mariha. Karolo e kgolo ya sebaka sena e nkelwa metsi ke noka ya Breede ha mmoho le lehlomela la yona, e leng noka ya Riviersonderend (sheba mmapa D18). Dinoka tse ding tse nyenyane di nkela dibaka tsa lewatle metsi. Dibaka tsa noka ya Palmiet le Vlei ke tsa bohlokwa haholo sebakeng sena.
Morou o itshetlehile haholo temong mme bohahlaudi le bona bo fumaneha haufi le lewatle. Hape ho lengwa difate tsa ditholwana le merara tse nosetswang ke metsi a tswang dithabeng le nokeng ya Breede mmoho le metsi a fumanehang mobung. Ho lengwa koro sebakeng se pakeng tsa Riversonedrend le dithaba tsa lewatle. Ho ruuwe diphoofolo ho phatlalla le sebaka sena.
Ho hauwe matamo a mangata ha mmoho le a mapolasi sebakeng sena. Ntho ya bohlokwa mona ke letamo la Theewaterskloof. Metsi a tliswa mona ho tswa sebakeng sa Berg ka dinaklo tse itseng tsa selemo mme a kgutlisetswa sebakeng seo hape ka dinako tsa komello. Hape metsi a tsamaiswa ho tloha nokeng ya Palmiet hop ya sebakeng sa tsamaiso ya metsi sa Berg ka se bitswang Palmiet Pumped Storage Scheme. Metsi a fumanehang sebakeng se tlase ho noka ya Breede a letswai haholo. Sena se etswa ke diminerale tse hlahang sebakeng sena tse etsang hore metsi a se ke a ba boemong bo loketseng ho nosetsa dijalo.
Ho bonahala ho tla ba le kgolo ya setjhaba sebakeng sa lewatle le ho theoha ha palo ya batho dibakeng tse ka hare ho naha. Ka tsela eo palo ya batho e tla dula e sa feroha sebakeng sena. Ka lebaka la ho se sebetse hantle ha temo nakong e sa tswa feta, ho lebelletswe hore maemo a moruo a se ke a hola haholo. Le ha ho le jwalo, sena se ka nna sa fetoha.
Ditshwantsho tsa D18.1 ho ya 18.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Breede.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D18.5 le D18.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Ka kakaretso hona le metsi a lekaneng ho kgotsofatsa ditlhoko tsohle sebakeng sena.
Hona le metsi a fumanehang ka bongata sebakeng sa Upper Breede le Riviersonderend empa metsi ana a tla nkuwa ke polokelo ha e se e hauwa. Hape hona le kgonahalo e kgolo a ntshetsopele sebakeng sena.
Dipersente tse 90 di sebedisetswa ho nosetsa, ho tshwanela hore ho dule ho ena le ntshetsopele ya dibaka tsa ho nosetsa.
Ntlafatso ya metsi a fumanehang metsi a mobung. Ho tshwanela ho be teng kutlwisiso pakeng tsa metsi a fumanehang mobung le a ka hodimo ho mobu.
Ho ka nna ha hlokeha tsamaiso ya metsi ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng nakong e tlang hore ho tle ho kgonwe hore ho fepelwe Cape Town sebakeng sa Berg. Le ha e le mona ho eso ka ho hlokeha poloko ha hona jwale, ho a hlokeha hore monyetla ona o se ke wa feta feela ka lebaka la hobane ho shebanwe le merero e meng e seng bohlokwa haholo. Ka tsela ena, ho lokela hore ho etswe bonnete ba hore diprojeke tse nyane di seke tsa ema tse ding tsa bohlokwa pele.
Ha ho a tshwanela hore ho dumellwe tjalo ya meru ntle le hore ho shejwe kgahlamelo ya sena tikolohong.
Ho tsamaiswa ha metsi a ka bang dimilione tse 50 m3/a tsa metsi ho tloha nokeng ya Palmiet ho ya Berg. Palohare ya tsamaiso ena ke dimilione tse 22.5 m3/a tsa metsi ka sebaka.
Ho tsamaisa metsi a manyane a ka bang dimilione tse 9 m3/a ho ya sebakeng sa Berg.
Ho bolokilwe dimilione tse ka bang 2 m3/a tsa metsi hore a iswe Breede bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba.
Ha ho shejwa kgahlamelo ya diphetoho tsa maemo a lehodimo, ho ba bohlokwa ho etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong ha ditaba tsa haedroloji ho shejwa ka leihlo le tjhatsi sebakeng sa Breede le Berg. Ha ho a tshwanela ho be teng letho le etsang hore le tshwanelang ho kenngwa tshebetsong le ka sielang morao tjhadimo ya ditaba tse amang diphetoho tsa maemo a lehodimo.
Sebaka sena se fumaneha hukung e borwa-botjhabelo ho naha. Noka ya Berg ke yona feela e kgolo sebakeng sena, le ha e le mona ho ena le dinokanyana tse ding tse mmalwa tse phallelang lewatle, jwalo ka ha ho bontshitswe mmapeng wa D19. sebaka sena se tsejwa ka dithaba tse ngata karolong e ka borwa-botjhabela ho yona, e leng moo metsi a mangata a qalang ho phalla teng. Dithaba tse tsebisahalang haholo e leng Table Mountain le Cape Penninsula ka borwa-bophirima. Dibaka tse tlase tse nang le lehlabathe, ha di na metsi a mangata a phallang, mme di fumaneha bohareng le bophirima ba sebaka sena. Pula e na mariha, mme e na ka tsela e sa tshwaneng ka dinako tsohle, ka tsela ya 3000mm dithabeng le 300mm dibakeng tse ka leboya-bophirima. Sebaka sena se na le tulo e ikgethileng e tsejwang ka la Cape Fynbos eo e leng yona e etsang hore sebaka sena se fumane maemo a World Heritage.
Hona le moruo o hodimo mona ka lebaka la diindasteri le mmasepala wa Cape Town. Le ha ho le jwalo, hona le boitshetleho bo bonahalang pakeng tsa temo le bohahlaudi. Hape hona le temo e ntle ya ditholwana e tsamaiswang ke ho nosetsa ho bohlale ha dijalo pela dithaba.
Matamo a mangata a maholo le a manyane a fumanwang mapolasing a tsamaisa tsela eo metsi a phallang ka yona sebakeng sena. Tsamaiso e nngwe e tla ba teng ha ho hauwa letamo le leng nokeng ya Berg pela Franschoek (Berg water Project).
Metsi a mangata a fumanehang mobung le ona a hulwa sebakeng sena haholoholo dibakeng tse bohareng le tse botjhabela sebakeng sena. Metsi a mangata a tsamaiswa ho tswa sebakeng sa Breede ka morero o bitswang Riviersonderend/Berg River Scheme le Palmiet Pumped storage Scheme (sheba hape D18 sebaka sa Breede). Ntshetsopele e nngwe e ka bang teng e tla be e shebane le noka ya Berg le ha e le mona ho ena le bothata ba letswai le fumanehang dibakeng tse tlase tsa noka ena. Hape hona le kgonahalo ya ho hula metsi a mobung dibakeng tsa Table Mountain Group bonamelong ba dithaba?
Ho lebelletswe hore moruo o ka nyoloha haholo nakong e tlang sebakeng sa mmasepala wa Cape Town. Ka tsela ena kgolo ya setjhaba e ka ba e hodimo haholo.
Ditshwantsho tsa D19.1 ho ya 19.6 di hlalosa ka boholwanyane ditaba tse hlahellang ho ditshwantso 2.1 ho ya ho 2.6 kgaolong ya 2 sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi sa Berg.
Ditaba tsena di hlaha lenaneng le ikgethileng, mme tlhahisoleseding e nngwe e ka nna ya fumaneha ho tswa mehloding e meng.
Bongata bona bo shebane le se fumanehang feela.
Diphitisetso tse ka ntle kapa ka hare ho seka-dibaka ho ka nna ha kenyelletsa diphitisetso pakeng tsa seka-sebaka kapa pakeng tsa diphallo. Ka tsela ena, ho eketswa ha bongata bo tsamaiswang ka seka- karolo ka nngwe ho ka nna ha se ke ha tsamaisana le kakaretso ya phallo. Sena se kenyelletsa tse hlahellang ditshwantshong D19.5 le D19.6.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho eketsweng ha metsi letamong la Voelvlei le ho fetolwa ho ka nnang ha ba teng dinokeng tsa Lourens le Eerste.
Ho itshetlehilwe dibakeng tse teng le tse bileng teng ka selemo sa 2000.
Sena se itshetlehile ho eketsweng ha metsi letamong la Voelvlei le ho fetolwa ho ka nnang ha ba teng dinokeng tsa lourens le Eerste.
Tlhokeho ya metsi sebakeng Cape Town e se e ntse e le ka hodimo ho metsi a ka fumanehang. Kgaello ena, e hlahellang ho setshwantsho sa D19.4 e bakwa hape ke lebaka la hore metsi a mang a boloketswe ho sebediswa nakong e tlang. Kaha e le mona Cape Town e le e nngwe ya dibaka tse hotseng ka ho fetisisa naheng, ho lebelletswe hore tlhokeho ya metsi le yona e tla eketseha ha nako e ntse e tsamaya.ka lebaka la phepelo e ntseng e tswela pele sebakeng sena, ho lebelletswe hore tlhoko tsa metsi le tsona tla di hola bakeng sa metsi a ho nosetsa dijalo.
Bolaodi ba sebaka sena bo tshwanela ho etsa bonnete ba hore ho ba teng metsi a lekaneng a ho fepela sebaka sa Cape Town; le ka nako e tlang. Ho se ho nkuwe mehato ya hore mathata ana a fokotsehe ka nako eo ho ntseng ho hauwa se bitswang Berg Water Project.
Ho tla ba le dipehelo tse itseng sebakeng sa tsamaiso ya metsi sa Berg mabapi le tsamaiso ya metsi ho tloha breede ho ya Berg.
Palohare ya dimilione tse 22.5 m3/a tsa metsi ho tswa nokeng ya Palmiet ka bokgoni ba ho nka dimilione tse 50 m3/a tsa metsi.
Ho tsamaisa metsi a manyane a ka bang dimilione tse 9 m3/a ho tloha sebakeng sa Breede.
Kaho ya dibaka tse ding tse kgolo sebakeng sa Breede tse ka nnang tsa ba le kgahlamelo tsamaisong ya metsi nakong e tlang ho lokela hore ho laowe ke mmuso wa bohareng ka tsela ena hona le pehelo mabapi le sebaka sa Breede?
Ha ho shejwa maemo a lehodimo, le hore diphetoho tsa teng di ka ba le kgahlamelo dibakeng tse borwa-bophirima tsa naha, ho tshwanela hore ditaba tse amanang le haedroloji di shejwe ke leiho le ntjhotjho. Ha ho a tshwanela ho be le ntshetsopele e teng pele ho shejwa tsela eo sena se tla bang e kgahlamelo ka yona maemong a lehodimo.
Dibaka tsa boraro tsa ho qhala C31, ho ya C33, C91, C92 (ho sa kenyelletswe karolo ya D41A) le sebaka sa D73E. moedi o ka bophirima wa sebaka sena o tsamaya ho tloha moo ho kopanang dinoka tsa Kuruman le Molopo sebakeng sa D42C le D42D ho fihlela e fihla moeding wa Kalahari East Water Board. Ka mora moo, sena tswela se latela boto ena ho fihlela se fihla bophirima ho Beeshoek pela Postmasburg. Sebaka sena sa taolo se tswela pele ho ya borwa botjhabela ho fihlela se kopana le sebaka sa D73A le D73a.
Dibaka tsa boraro ke G10, g21 le G22 le G40A. Moedi o tsamayang leboya o latela sebaka sa metsi pakeng tsa sebaka sa boraro sa G10 le G30 ho fihlela toropong ya Aurora. Ho tloha aurora moedi o tsamaya ka ho otloloha ho ya lewatleng le ka bophirima.
Ho se ho kile ha kgothaletswa diphetoho tse kgolo dibakeng tsa tsamaiso ya metsi ho etsetsa hore taolo e be e boemong bo botle sheba karolo ya 5 kgaolong ya 3. meedi e metjha eo ho hopotsweng hore e ka ba teng e bontshitswe setshwantshong sa E2. dintlha tsa diphetoho tsena, tse sebakeng sa Upper Orange, Lower Orange, Lower Vaal le Olifants/Doorn di bontshitswe setshwantshong sa E3?
Dibaka tsa boraro tsa ho qhala C31, ho ya C33, C91, C92 (ho sa kenyelletswe karolo ya D41A) le sebaka sa D73A le dikarolo tsa D42C, D42D, D73B, D7C, D73D le D73E.. Moedi o ka bophirima wa sebaka sena o parola naha ya Arika Borwa le Botswana ho ithathika le moedi wa Kalahari East Water Board. Ka mora moo, sena se latela boto ena ho fihlela se fihla bophirima ho karolo e bophirima ho Langberge dikilomitara tse 19 ho tswa Beeshoek pela Postmasburg. Sebaka sena sa taolo se tswela pele ho ya borwa botjhabela ho fihlela se kopana le sebaka sa D73A le D73a. Ka mora moo moedi ona o latela mola ona wa metsi le o pakeng tsa D73A le D71B ho fihlela o kopana le moedi wa motse wa Hay. O tla latela moedi oo ho fihlela o fihla tulong ya metsi ya D71 le C92C. Sebaka sena sa tsamaiso ya metsi se tswela pele ho fihlela se fihla moeding wa Orange River Water User Association. Se tswela pele ho fihlela se fihla C92B le C51M moo se latelang mola wa metsi C92B le C51L. ka mora mona se latela phula pakeng tsa C51L le C91E. Se latela mophula ona ho fihlela se fihla moeding wa polasi ya Wolwe Dam 87. Moedi wa sebaka sena o latela moedi wa polasi ena ho fihlela o fihla polasing ya Vaalboschhoek 85. Jwale ebe e ithathika le dipolasi tse ding ho ya botjhabela: Weltervrede 117, Vaalpan 118, Koppiesdam 119, Spijt 442, Olifantskop 196, Sussana 197, le Olifantsdam 170. moedi wa sebaka sena jwale ebe o ikgohla le botjhabela ba Olifantsdam 170 ho ya leboya ho kenyelletsa le Olifantsrug 293 ho fihlela o hopana le phula o seng o hlalositswe pejana.
Dibaka tsa pele e leng F (ho sa kenyelletswe sebaka sa boraro F50D, F60B, F60C, F60D le F60E) sebaka sa boraro sa D42 (ho sa kenyelletswe D42C le D42D), D51 ho ya D58, D61, D62, D71 ho ya D73, (ho sa kenyelletswe D73A le dikarolo tsa D73B le D73C, D73D, le D73E), D81 le D82.
Moo ho kopanang dinoka tsa Vaal le Orange moedi wa sebaka sa tsamaiso ya metsi o latela moedi wa sebaka sa tsamaiso wa 10. Ka tsela eo dikarolo tse ka tlase tsa C92B le C92C di kenyeleditswe sebakeng sena.
Dibaka tsa ho qala ke E mme tsa boraro ke G30 le F60 ho sa kenyelletswe sebaka sa F60A0 tikolohong ya F50D.
Dibaka tsa boraro ke G10, g21 le G22 le G40A. Moedi o tsamayang leboya o latela sebaka sa metsi pakeng tsa sebaka sa boraro sa G10 le G30 ho fihlela toropong ya Aurora. Ho tloha aurora moedi o tsamaya ka ho otloloha ho ya lewatleng le ka bophirima.
Moedi on ao latela ho kopana ha meedi ena, meedi ya metsi a fumanehang metsi a mobung.
Ela Hloko: Ditshisinyo tsena tsa meedi di entswe ka mora hoba ho etswe tekatekano pakeng tas hore metsi a a fumaneha na le ditlhoko tsa metsi dibakeng tsa tsamaiso tse hlaloswang kgaolong ya 2 le sehlomathiso ya D di balwe hantle. Diphethoho tse fumanehang meeding ha di na kgahlamelo e kaalo dipalopalong tseo re faneng ka tsona.
Dipehelo tsa ho ipotsetsa setjhabeng ka Leano le Naha la Metsi di hlaloswa karolong a 5 ya Pholisi wa Naha wa Metsi (sheba sehlomathiso C). Sehlomathiso ena e fana ka ditsela tsa bolokwa tse latelwang ha ho ipotsetswa setjhabeng ke Lefapha.
Ho ile ha phatlalatswa dipampitshana tse 120 000 tsa A4 Zfold ka Beke ya ya Metsi ka kgwedi ya Hlakubele 2002.
Ho ile ha ralwa lenane la naha la batho kaofela ba amehang le etsang batho le mekgatlo e ka bang 8 400.
Ho ile ha romelwa mangolo bathong le mekgatlong yohle e amehang, ba tsebiswa ka leano lena le rerilweng, mme ba mengwa hore ba nke karolo dipuisanong tse mabapi le sena.
Ho ile ha romelwa mangolo ho mekgatlo le batho bohle ba amehang, a tsebiswa ka matsatsi le dibaka tsa moo dikopano di tlang ho tshwarelwa teng, le ho ba mema.
Ho ile ha etswa diphatlalatso ka tsela ya dipapatso bonyane dikoranteng tse nne tsa naha le e le nngwe e elang sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi.
Kakaretso e maqephe a 59 e buang ka leano lena e ile ya phatlalstswa Lesedinyaneng la mmuso.
Bukana ya kakaretso ena e hlalosang leano lena ka botlalo (maqephe a ka bang 250) le tokomane e maqephe a 16 ya tlhahisoleseding (e hlahellang ka dipuo tse 11) di ile tsa fuwa batho hore ba di lekole, ho kenyelletswa le dikantorong tsa Lefapha la Metsi le Meru le hlahang setshwantshong sa F1.
Ho ile ha ba le dikopano tse 24 ho phatlalla le naha mmoho le diwekeshopo tse hlano dibakeng tsa Pretoria/Johannesburg (sheba setshwantsho F2). Dikopano tsena di ne di kenyelletsa dikahare tsa leano lena mme batho ba ile ba dumellwa hore ba tshohle ditaba tsena ka morao ho moo.batho ba neng ba tlile ba ile ba ba bangata ho 2000.
Maikutlo a bona kaofela a ile a ngolwa fatshe mme batho ba ile ba mengwa ho tlisa maikutlo a ngotsweng fatshe.
Ho feta moo, Komiti ya potofolio ya Palamente e shebaneng le ditaba tsa Metsi le Meru e ile ya tsebiswa ka leano lena ka Mphalane 2003.
Tsela ya ho ikopanya le setjhaba e ile ya phatlalatswa thelevisheneng (50-50) le ho diyalemoya tse ka bang 20.
Diwekeshopo tse leshome di ile tsa etsetswa ho lokisetsa basebetsi dikopano tsena.
Dikopano tse ka hodimo ho 40 tsa tlatsetso di ile tsa tshwarwa dikantorong tsa sedika ka kopo ya batho ba amehang.
Se ka bang 18 5000 sa dikhophi tsa ditokomane tse amanang le leano lena, dikgutsufatso, ditokomane tsa tlhahisoleseding, mmoho le tse ding di ile tsa fuwa batho ba amehang mmoho le dikhophi tse 860 tsa ditokomane tse ding tsa lefapha.
Ka kgwedi ya Motsheanong 2003 maikutlo a ka bang 2 300 a ne a se a fumanwe ho tswa dikgaolong tse fapaneng, le dikarolo ho tswa bathong ba ka bang 600.
Maikutlo a ile a hlahlojwa ke sehlopha sa batho ba sebetsang lefapheng mme ha etswa ditlhahiso tsa hore ho fetolwe dibaka tse itseng ho ba ka sehlohong. Ho ile ha be ho se ho lokiswa tokomane ena botjha.
Tekolo botjha ya tokomane ya pele ya leano le lekotsweng botjha, e ile ya lekolwa ke molekodi ya ikemetseng ha mmoho le ba kantoro ya letona pele ho ka etswa diphetoho tse hlokehang.
Setshwantsho F.1: Ho fumaneha ha leano dibakeng tsa setjhaba.
<fn>sot_Article_National Language Services_Phuputso ya Kuno le T.txt</fn>
Statistics South Africa e ronngwe ke Mmuso ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Dipalopalo wa No. ya 6 wa 1999 ho bokella tsebo ya Kuno le Tshenyehelo setjhabeng sa Afrika Borwa?
Re tla be re tswile letsholo la Phuputso ya Kuno le Tshenyehelo naheng yohle ka dikgwedi tse 12 e le ho bokella tsebo ka mokgwa wa ho sebedisa tjhelete malapeng a Afrika Borwa.
Lebaka le leholo la ho sebedisa Phuputso ya Kuno le Tshenyehelo ke ho tsebisa mokotla wa ditshebeletso le thepa ka Consumer Price Index (CPI), eo e leng sesupo sa bohlokwa sa moruo mabapi le infleishene. Infleishene e methwa ka diphetoho ho CPI ka mora nako e itseng.
Ka nako ya Phuputso, Bahlanka ba Ditsebiso ba tla tjhakela baarabi dibakeng tse kgethilweng ho hlalosa bohlokwa le melemo ya Phuputso ya Kuno le Tshenyehelo. Ka mora moo, baarabi ba tla tjhakelwa ke Basebetsi ba Setjhaba ba Phuputso ya Kuno le Tshenyehelo ba tla ba thusa ka ho tlatsa lethathama la dipotso tsa Phuputso. Phuputso e tla etswa ka nako ya kgwedi e le nngwe, mme Basebetsi ba Setjhaba ba tla tjhakela baarabi ha hlano kapa ka hodima moo nakong ena.
Tshebedisano le thuso ya ho dumella Bahlanka ba Tsebiso le Basebetsi ba Setjhaba ho ka buisana ka bobebe le baarabi, ke taba ya bohlokwa ho atlehiseng Phuputso. Hona ho tla dumella Stats SA ho bokella tsebo e loketseng le e nepahetseng e tla sebediswa mabapi le moralo, ho etsa qeto, ho lekola le ho hlahloba maano ka mafapha a mang a mmuso; kgwebo le setjhaba ka kakaretso.
Jwalo ka Lehokedi la Setjhaba la Tikoloho ena, ke batla ho kopana le lona matsatsing a mmalwa a tlang ho tla hlalosa dipheo tsa Phuputso, e le hore re tle re dumellane ka hore re tswela pele jwang.
Ha jwale, ha eba o na le dipotso dife kapa dife o se ke wa qeaqea ho iteanya le nna.
<fn>sot_Article_National Language Services_Puo, Dingolwa le (1).txt</fn>
MTH e fana ka mesebetsi e mengata ya puo ya molomo, ho bala le ho ngola tse o thusang ho bontsha hore o tseba puo.
Thuto e nngwe le e nngwe e na le mesebetsi e mengata e tla etswa. O tla hlahlojwa ho ya ka tsena tseo o di entseng. Ba bang ba tla o thusa ho lokisetsa mesebetsi eo e hlahlojwang.
Matshwao a MTH e tla ba 25% ya letshwao la selemo kaofela ha lona, 75% e nngwe e tla tswa hlahlobong ya mosebetsi wa hao wa selemo sohle.
Sebetsa ha monate!
Ha ho thehwa setswalle se setle ho ba le phedisano e ntle. Batho ba etseng hore ho be le setswalle se setle se tswelang pele?
Dikamano ke eng?
Dikamano tse ntle le tse mpe; na ke phedisana hantle le batho kapa diphoofolo Na ha ke phedisana hantle le batho?
Nka etsa hore ke phele hantle jwang le batho le hore nka etsang hore ke tswele pele ka ho phedisana le batho hantle?
Jwalo ka motjha o ye o be le mathata le bao o phelang le bona. Ka nako e nngwe ha o ke o utlwana le batswadi ba hao. Ka nako e nngwe ha o utlwane le metswalle ya hao kapa batho ba baholo setjhabeng. Karolo ena ya MTH e tla etsa sehlooho ho thea setswalle se setle hore se o thuse?
Ka tlase mona ke lenane la tlotlontswe leo o ka le sebedisang mesebetsing e latenag. Eketsa ka tlotlontswe efe kapa efe e ntjha ya hao lenaneng lena ha o sebetsa mesebetsing.
Dithaka batho / metswalle/ bao o leng sehlopheng se le seng le bona bana ba motho dikgaitsedi tsa hao ba lelapa ho keneyeletswa bao o tswalanang le bona: mme, ntate, jj.
Maikutlo ho ba le ho ameha haholo jwalo ka: lerato, ho tshaba, thabo, ho utlwa bohloko, ho hloya ho kgahlwa ho amohela ka ho babatsa/ ho hlompha/ ho kgotsofala ho etsisa ho etsa ka moo ba bang ba etsang ka teng/ ho tshwantshisa/ ho etsa jwalo ka ba bang.
ho ba mona ho ikutlwa o sa kgotsofala kapa o le mohono o batla ho ba motho e mong kapa ho rata ho ba le seo motho e mong a nang le sona.
O rata mang?
Ha o rate mang?
Ke rata haholo hobane...
Ke hloile haholo hobane...
Itokisetse ho balla titjhere ya hao dipolelo tsa hao ha le beha seo le se entseng.
Jwale mona titjere ya hao e tla balla e be e o hlalosetse lengolo le latelang.
Dumela, lebitso la ka ke Keneuwe. Ke na le dilemo tse 15 e se e le selemo jwale re ratana le moratuwa wa ka wa moshanyana. Bothata ba ka ke hore eitse hang feela ha ke qala ho bolella mme ka yena, o ile a kwata a ba a batla a nteleka hore ke yo dula le rakgadi. Ke ile ka bua leshano ka re ke tla kgaohana le yena , empa re ile ra tshwarwa. 5 O ile a ba a dumellwa ho mpona hang feela ka beke ebe mme o tla mmuela dintho tse mpe. Qetellong yaba o mmolella hore a se hlole a mpona hohang feela.
Lapeng, ha ke na moo e leng ha ka feela le ho ba mong ebile ha ke tsebe ho etsa letho ke sa diswa kapa ho se ya ntseng a sheba hore ke etsang. Ke ikutlwa eka ke sitisa ba lapa leso, empa nke ke be ka kgaohana le moratuwa wa ka. Ka nnete ke a mo rata. Ke nahana hore ha batswadi ba ne ba sa rate ha ke kopana le yena nka be ke sa mo rate ha kana. Mme o entse hore re ratane haholo ka ha a ne a batla hore re etse seo yena a se batlang.
Ke tennwe ke sephiri sena. Ke etseng Hobaneng ha batswadi ba nahana hore ke fositse ha ke na le moratuwa?
Ako nthuse hle.
Ha ho sebetswa mona o tla hlahlojwa ka moo o buileng ka teng puisanong le ka moo o tshwantshisitseng ka teng.
Ikaroleng ho ya ka dihlopha tse nne. Mabapi le tshwantshiso o tla hloka ditshwantshisi tse tharo le ya tla hlalosa.
Kgetha maemo ao ho ona batho ba bararo ba tswalanang haholo.
Sebakeng sena (tlhaloso ya tatelano ya diketsahalo), dibapadi di be le seo di sa dumellaneng ka sona.
Lekang mekgwa eo ho ka rarollwang qaka ka yona.
Tshwantshisa qaka le tharollo.
Setho sa bone sa sehlopha (sehlalosi) se hlalose , a hlalose se etsahalang.
Etsa bonnete ba hore setho se seng le se seng sa sehlopha se fumana menyetla e mmedi ya ho bua.. Sebedisa tlotlontswe e nngwe e ntjha lenaneng la hao.
Araba dipotso tse latelang sehlopehng sa hao ebe o ngola tseo o di arabileng dibakeng tseo ho fanweng ka tsona Sengolweng sa Mosebetsi.
Kgethang ya tla beha ditaba.
Sheba diforeime tsa pele tse nne tsa khathunu o hlokomele mantswe a sebedisitsweng le ka moo mmele wa motho o tshwantshisitsweng ka teng. Dintlha tsena di hlalosang ka kamano ya Dennis le mmae?
Ntata Dennis o hlatswa dijana ka kitjhineng. O nahanang ka monna wa lelapa ya sebetsang jwalo lapeng?
Ke sefe se bonahalang foreimeng ya 6 sa hore mme ha a hlile ha kgathatseha ha kaalo ka se mo tshosang foreimeng ya 5?
Hlwaya matshwao a puo a fapaneng a sebedisitsweng puisanong e khathunung.
Foreimeng ya 5 ho sbedisitswe letshwao la makalo. Ho ya ka lenane le ka tlase mona, letshwao la makalo le sebetsang hantlentle?
Sepheo sa mongolo o moholo foreimeng ya 5 ke sefe?
Hobaneng ha lentswe lena else le ngotswe ka ditlhaku tse kgolo haholo, mme ho ba le sepheo sefe ka lebaka leo?
Ngola polelo ya pele foreimeng ya 1 puong ya mo phetwa, jwalo ka ha eka o phethela motho e mong ditaba.
Ho tea mohlala: Na nka o ruta ho se hokae ka matshwao a puo mme a botsa?
e tla ba Mme o botsitse Dennis hore na a ka mo ruta matshwao a puo ho se hokae.
Ha ho ntse ho qoqwa, ngola mantswe afe kapa afe a matjha ao o nahanang hore a tla thusa ho ya ka dihlooho tseo ho fanweng ka tsona. Ha o ntse o sebetsa tse mabapi le ditshwantsho, sebedisa tlotlontswe e le sesiu sa hao.
Sehlopha sa heno se tla fuwa se seng sa ditshwantsho tse nne ka morao ho Dingolwa tsa Mosebetsi hore ho qoqwe ka tsona. Sebedisa lenane la tlotlontswe e le ho le thusa hore le se ke la tswa lekweteng ha le qoqa. Sehlopha se hlahise maikutlo ka ditshwantsho ka ho sebedisa dipotso tse latelang. Ngola dikarabo tsa lona ka tlase mona.
Ke mang/ ke bomang bao e leng ba bohlokwa setshwantshong sena?
Ke dintlha dife setshwantshong tse hapang mahlo a rona?
KELETSO: Batla dibaka moo ho leng lesedi kapa ho le lefifi setshwantshong . Tadima ka moo setshwantsho se hlophisitsweng ka teng ka moo motho a beilweng sebakeng se itseng ka teng/ka moo batho ba kgobokantsweng ka teng setshwantshong; seo e mong le e mong a se etsang; seo difahleho tsa bona di re bolellang; seo dintho di se hlalosang/ fenetjhara/ ka moo tikoloho e hlahisitsweng ka teng.
Ke maikutlo afe a hlahiswang ke batho setshwantshong Ho tea mohlala (ho thaba, ho hlonama, ho nyahama, tebello). Fana ka lebaka le entseng hore o kgethe karabo ya hao?
Mabapi le karolo ya mosebetsi sehlopha se tlameha ho ya ditshwantshong tse pepesitsweng, mme se kgethe setshwantsho se fapaneng ho se bapisa le sa hao.
Ditshwantshong tse pedi o batle dintho tse tshwanang le tse fapaneng.
Ditshwantshong tse pedi ke eng e o bolellang ka bophelo ba batho?
Ditshwantshong tse pedi ke eng e o bolellang ka tsa ditjhelete tsa batho?
Bolela dintho tse pedi tseo o nahanang hore ke tsa bohlokwa kapa tse kgahlang setshwantshong sa lona sa sehlopha?
Lokisetsang pehelo ya lona.
HLOKOMELA: Mabapi le mosebetsi o latelang (mosebetsi wa 3) O tlameha ho bokella le ho tlisa ditshwantsho sekolong/ mantswe a sehilweng dipampiring/ dimakasine tsa kgale ebe o di tlisa phaposing ya borutelo.
ba boholo ba A4 bonyane.
Kenyeletsa dipolelo tse ka thusang tse jwalo ka, Motswalle wa ka ya nang le Phamokate e ntse e le motswalle wa ka.?
Sehlopha sa lona se tla ba le monyetla wa ho bontsha ba phaposing setshwantsho sa lona sa dipampitshana, mme motho e mong le e mong sehlopheng o tla tlameha ho hlahisa maikutlo ka ntlha e itseng mabapi le setshwantsho sa dipampitshana. Pehelo ya lona ka setshwantsho sa dipampitshana e tlameha ho phetwa metsotso e ka bang 2 ho isa ho e 3.
Mabapi le mosebetsi o latelang o tla bua ka, mme o tla hlahlojwa. O tlameha ho tlisa setshwantsho se loketseng pehelo phaposing ya borutelo (e seng ha kaalo ditshwantsho tsa lelapa), empa tse tla o fa menyetla ho ka behela puo e lokisitsweng ka setswalle se setle kapa se sebe. O tla tlameha ho bua motsotso o le 1 ho isa ho e 2.
Pehelo ya hao e be ya puo e lokiseditsweng ya bolelele ba motsotso o le 1 ho isa ho metsotso e 2. O leke ka matla ohle a hao ho sebedisa tsebo yohle le tlotlontswe eo o ithutileng yona mesebetsing yohle e fetileng.
Mosebetsing ona, qetellong o tlameha ho hlahisa maikutlo a hao ka ho fana ka mabaka a tshehetsang hobaneng ha o re setswalle se setle kapa se sebe.
Ha eba o kgethile setshwantsho se bontshang setswalle se sebe, jwale o tla tlameha ho fana ka tharollo e ka lokisang ka moo o buileng ka teng.
Titjhere ya lona e tla le balla lengolo.
Batho ba bangata ba ngolla sekgutlwana sa Agony Aunt dimakasineng tsa batjha ba batla thuso ya ho ka rarolla mathata a bona hore ba phele hantle. Lena ke lengolo le tswang ho motswadi ya kopang keletso ya ka moo a ka phedisanang le batjha ba babedi ba hae, mme o arajwa ke Aunt Sarah?
Qotso ena e tswa lengolong le ngolletsweng makasine wa SHE?
Ako nthuse hle. Ekaka ke a hlanya jwale ke hloka keletso ya hao.
Mohatsa ka o sa tswa hlokahala dilengwaneng tse mmalwa tse fetileng, mme a mtshiya hore ke hlokomele batjha ba babedi ba rona. Jwale ba a hola ebile ha ba sa mmamela hohang feela kapa le ho etsa seo ke ba laelang sona. Ke leka ka matla ho ba etsetsa tsohle, empa re dula feela re omana.
Seabata, e leng e moholo, o na le dilemo tse 17 ebile o mohatong wa 11. O tla feela hae ho tla ja le ho tla robala. Ha a thuse ka letho lapeng kapa hona ho mpha tjhelete le ha a sebetsa ka Moqebelo. Ha a iphe nako e lekaneng ya ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng, mme ke ngongorehile haholo hobane selemo se tlang, ha a sa bale, ha a na ho pasa materike. O ne a atisa ho ba ngwana ya kgatahallang, empa jwale o fetohile. Ha ke rate le metswalle eo a tsamayang le yona. Ba mo tlwaeditse dintho tse mpe.
Athe ha e le moradi wa ka yena, Mosela, o na le dilemo tse 14 feela, empa o se a batla ho apara le ho phela jwalo ka motho ya dilemo di mashome a mabedi. O dulela ho kopa tjhelete feela hore a ithekele dintho tseo a di batlang; seo a nahanang feela ka sona ke bashanyana. O dula a buletse seyalemoya se tidinya letsheare lohle mme o utlwa bohloko ha ke mo kopa hore a e theolele tlase. Hantlentle o ye a be a kgene, a be a nkgarumela ha ke mmotsa hore o tswa kae kapa o ne a etsang. O dulela ho ipelaetsa ka hore ha a tshwarwa hantle hobane ha ke mo dumelle ho etsa ka moo Seabata a etsang ka teng, empa ha a elellwe hore Seabata o moholwanyane ho yena ebile ke moshanyana?
Ka nnete ha ke sa kgona. Ke fihla hae ke tswa mosebetsing ke kgathetse ebe jwale ke tlameha ho shebana le masawana ana a bona. Ke a utlwisisa hore ha ho monate hore ba lahlehelwe ke ntate ba le banyenyane jwalo, empa le nna ho ntse ho se monate feela jwalo.
Ke a kopa hle hore le mpolelle hore ke fositse kae.
Ngola maikutlo a sehlopha sa heno mmapeng wa mohopolo.
Kgethang sehlalosi se tla behela bohle ka phaposing ya borutelo ditaba a sebedisa mmapa wa mohopolo.
Mabapi le mosebetsi ona o tla tlameha ho qapa puisano ya batho ba babedi ya mela e 15 20 moo mme a buisanang le Seabata kapa Mosela(baphetwa bao o ba badileng lengolong)?
Seabata o tla hae ka madungwadungwana ha esale a ile bosiu bohle a sa bolella mmae.
Mme: Seabata, na ke hona o fihlang hae ka nako yee?
Seabata : E, ke hona ke fihlang hae!
Mosela o batla ho tsamaya bosiu le motswalle wa hae eo mmae a sa mo tsebeng.
Mosela: Mme, Ke sa tswa le Tumisang bosiung bona.
Mme : Tumisang ke mang Le ya kae?
Ho se ke ha kgothaletswa ho ngola karabo ya lentswe le le leng?
Ikaroleng ka dihlopha tse 6-8. Sehlopha se seng le se seng se kgetha ditaba tseo ho bileng le qhwebeshano ho tsona e ileng ya hlokomelwa pejana lengolong, eo le e ngotseng kaofela ha lona dibukaneng tsa mosebetsi tsa e mong le e mong.
E mong le mong wa lona a fuputse sehlooho sena ka ho botsa batswadi ba lona/ bahlokomedi ba lona le metswalle ka seo ba se nahanang ka taba ena hore e ka rarollwa jwang.
Na o nahana hore batjha ba ka dumellwa ho apara ntho e nngwe le e nngwe eo ba e ratang?
Ha re kgutlela phaposing ya borutelo titjhere o tla fa sehlopha se seng le se seng pampiri e kgolo. Ngola ka moo sehlopha se seng le se seng se arabileng ka teng ka ho ngola ka dintlha, ka dikholomo tse tharo kareteng ya lona. Le se ke la iphethaphetha le se ke la phetha seo motho e mong a seng a se ngotse; o ngole dintlha feela tse ntjha?
Batswadi ba senya tjhelete ka dintho tse ding?
Rala pehelo ya hao ya ditaba ka ho kgetha setho se le seng sa sehlopha se buelle sehlopha.
Sehlopha se seng le se seng se beha ditaba ka ho sebedisa karete ya sona e le moralo. Pehelo ya ditaba e etswe ka dipolelo tse felletseng.
Bala pale, Ya phedisang lelapa, ebe o araba dipotso tse latelang?
Batswadi ba moshanyana ya dilemo di leshome le metso e mene ba ne ba mo emetse hore a tle hae ka moputso wa hae wa pele wa beke.
Mmae o ne a se a lokisitse tafole, mme a ntse a sehella bohobe le botoro a lokisetsa dijo tsa bosiu. E ne e le mosadi e monyenyane ka seemo ka sefahleho se bonahalang ho sotleha, a apare bolousu bo bolou le sekhete se kwahetsweng ke foresekoto e tshweu e kentsweng setatjhe. O ne a bonahala a kgathetse ebile a hemela hodimo nako e nngwe le e nngwe. Ntate, a dutse a kgatholohile setulong sa kgale se nang le moo a behang matsoho teng, a namme maoto, le yena o ne a e na le sebopeho se senyenyane. O ne a e na le mahlo a tletseng metsi a bolou le ditedu tse ngata tse sootho. Batho bana ba ne ba futsanehile haholo, hobane phaposi, le ha e ne e hlwekile, e ne e se na le ha e le fenitjhara, mme marotho a maholo a sehelletsweng a botoro e ne e le ona feela hodima tafole.
Ha a lokisetsa dijo, mosadi enwa a nna a sheba monna ka la mo leka nako ena kaofela. A se ke a mo natsa le hanyenyane feela, a bula mahlo ho mo sheba, kapa a llisa meno a hae kgafetsa ka manala a hae, a iketsa eka o kgathetse haholo.
O tlohele tjhelete eo feela jwalo, mosadi a bua, ho utlwahala hantle hore o phetha seo a kileng a se bua pejana ka makgetlo a mangata, Ke a tseba hore ho tla etsahalng ha o ka e fumana. O tla mpha yona. E tla lefella rente e be e reka dijonyana di se kae, eseng ho ya motjhining wa tjhelete thaveneng efe kapa efe.?
O kwale molomo oo wa hao, monna a bua, a buela tlase?
Ha ke thole! mosadi a buela hodimo, a kgenne haholo. Hobaneng ha ke tlameha ho thola O bile morena ka nako e telele mona. Ke ile ka mamella ha o sa ntse o tlisa tjhelete mona lapeng, empa jwale nke ke ka hlola ke mamella. Ha o letho mona. Na o a utlwa Ha o letho. Eta ho lla sa ka mona, o tla mpha tjhelete eo!?
Re tla bona ha a fihla, monna a araba, a rotetsa mollo butlebutle?
Yaba ha ho sa buuwa letho ka nako e ka bang metsotso e mehlano.
Yaba moshanyana o a kena. O ne a bonahala a e so fete dilemo tse leshome kapa tse leshome le motso o le mong. O ne a bonahala a se motle borukgweng bo bolelele. Bosweu ba mahlo a hae bo rethebane hodima botsho ba sefahleho e ne eka o tshohile.
Ntate a ema ka maoto. Tjhelete e kae a bua a kgaruma?
Moshanyana a sheba enwa a sheba yane. O ne a tshaba ntatae. A nyeka dipounama tsa hae tse omeletseng.
E tlise, bo, a bua ntatae. Tjhelete e kae?
O se ke wa mo fa yona, mosadi a bua, O se ke wa mo fa yona, Thabang. Mphe yona?
Ntate a atamela moshanyana butle, a tlenne mme meno a hlahelletse ditedung tsa hae tse entseng sehlahla. Tjhelete eo e kae e ne eka jwale o se a seba?
Moshanyana a mo kenya mahlo. E lahlehile, a araba?
O entseng ntatae a tlerola?
E lahlehile. Moshanyana a boela a phetha?
Monna a qalella ho kgaruma ebile a tsoka matsoho.
E lahlehile! E lahlehile! O rengO ka e lahla?
E ne e le ka pokothong, moshanyana a raba, ka hara emfolopo e nyenyane. E lahlehile?
E lahlehile hokae?
ha ke tsebe. Mohlomong e ahlehile seterateng.?
Na o ile wa ya e batla moo e lahlehileng teng?
Moshanyana a dumela ka ho oma ka hlooho. Ha nka ka e fumana, a araba?
Monna a korotla, a suma, a dumaella tlase modumo oo phoofolo e o etsang. Ke hore o e lahlile, he a kgaruma. A tjhetjhella morao mehato e se mekae, yaba o lokolla lebanta la hae lebanta le sephara, le letenya, le nang le tjhesepore e boima ya tshepe. Tloho kwano, a laela. Moshanyana a loma pounama e ka tlase ho leka ho thibela meokgo, a atamela butle, monna a phahamisa letsoho la hae. Mosadi o ne a sa sisinyehe hohang feela ho fihlela ka nako eo, yaba o tlolela monna a phamola lebanta leo. Monna wa hae, a ba le matla ka lebaka la ho halefa ha hae, a mo sutuletsa thoko ha bobebe. Yaba o theolela lebanta mokokotlong wa moshanyana. A mo otla a sa mo qenehele le letho hohle mmeleng le matsohong. Moshanyana a korobana yaba o ya fatshe, empa o ne a sa lle?
Ha a se a kgathetse, yaba o itlama ka lebanta, mme a hula moshanyana ka maoto. Jwale o yo robala, a mo laela?
Ntjhanyana o lapile o batla ho ja, mosadi a bua?
Ha a yo robala. Tsa mo itlhatswa.?
A sa re letho, moshanyana a ya itlhatswa matsoho le sefahleho. Ha a qetile a ya robala.
Monna a dula tafoleng, a ja bohobe bo tshasitsweng ka botoro a ba a nwa dikopi tse pedi tsa tee. Mosadi yena a se ke a ja hohang feela. A dula a mo shebile, a sa tlose mahlo a hae ho yena, a mo shebile ka lehloyo le matla. Jwalo ka pele, a se ke a mo natsa le ho mo natsa, a iphapanya yena, a etsa eka ha a yo ho tu! Ha a qetile ho ja, a tswa.
Hang feela ha a qeta ho kgahlela lemati, mosadi a tlola, yaba o mathela ho moshanyana ka kamoreng.
O ne a lla ha bohloko, a ikwahetse sefahleho ka mosamo. O ile a dula mothating wa mealo yaba o mo kopela ka matsoho, a mo hulela ho yena sefubeng, a mo phollapholla moriri o matsetlela, a mo kgothatsa ka lerato, a ho kokobetsa maikutlo. Moshanyana a mo dumella ho etsa jwalo, a utlwa a kgatholihile ha a mo kopetse jwalo, a ikutlwa a tshedisehile hara meokgo ya hae e rothang.
Ka mora nakwana a ya a kgaotsa ho lla. A bula mahlo a ba a tsheha le mmae, mahlo a hae a hlakile. Yaba o kenya letsoho ka tlasa mosamo, mme a hula emfolopo e ditshila a nyenyane.
Tjhelete ya hao ke ena, a seba?
A nka emfolopo, yaba o a e bula, a hula leqephe le le lelele la pampiri le ngotswe dipalopalo, diranta tse mashome a mahlano tsa pampiri le diranta tse hlano tsa tshepe.
Na mme le ntate ba na le mabaka a tshwanang a ho batla hore mora a tle lapeng Fana ka lebaka la karabo ya hao dintlheng ka ho tshwana?
Ke dintho dife tse pedi tse etsahalang ha mme a eya ho mora wa hae ka hodimo ka mora hoba mora a shapuwe?
Moshanyana a mo sheba ka mahlong. E lahlehile, a araba?
Hantle ntle ho etsahetseng ka tjhelete?
Na o nepile ha a bolella ntatae leshano Fana ka lebaka?
Ke mang ya phedisang lelapa Hobaneng ha o rialo?
Ke ka lebaka lefe e leng phoso hore moshanyana a sebetse?
Maikutlo a mme ke afe ho monna wa hae Qotsa mehlala e mmedi e tswang paleng e bontshang maikutlo a hae?
Maikutlo a hao ke afe ka hore batswadi ba shape bana ba bona?
Fana ka lebaka la maikutlo a hao.
Batla lentswe moleng wa 12 o nang le moelelo o tshwanang le a mo shebile ka lehloyo moleng wa 68?
Matshwao a makalo le matshwao a potso a hlalosang moleng wa 44 kapa a talolalng ka maikutlo a ntate O e lahlile! O e lahlile! O reng Ho tla jwang hore o e lahle?
Titjhere o tla o balla hape lengolo la Sellwane le kopo ya Sellwane hore babadi ba mo thuse.
Ngolla Sellwane lengolo la setswalle o araba kopo ya hae o fana ka maikutlo a batjha ebile o mo eletsa hore a phele jwang ka moso. Dimmepe tsa mehopolo tseo o dingotseng di ka o thusa ka tlotlontswe. O ka sebedisa lengolo le seng le ngotswe e le mohlala.
Hlwaya o be o lokise diphoso tsa mopeleto, sebopeho sa puo jj.
Ngola lengolo hape jwale le se le lokile(lokisa) foromo ke ena.
O sebeditse hantle haholo!
<fn>sot_Article_National Language Services_Puo, Dingolwa le Puis.txt</fn>
MTH ena ya Puo e Ekeditsweng e fana ka mesebetsi e mengata eo baithuti ba fuwang monyetla wa ho bontsha hore ba tseba puo ho le hokae.
Ho dumelletswe bonyane dihora tse leshome le metso mehlano hore ho qetwe MTH ena, le ha ho ka sebetswa ho ya ka motho ka mong le ka moo ho hlkehang ka teng.
MTH e arotswe ho ya ka dikarolo tse pedi. Karolo ya A ke karolo ya ho lokisetsa ya dihora tse ka bang leshome le metso e meraro, mme e fana ka matshwao a 60. Karolo ya B, ya dihora tse pedi, e tla etsahala moo ho laolwang teng mabaka a itseng mabapi le matshwao a 40. Ditlhatlhobo tsohle di tlameha ho ngolwa e le matshwao.
Setswalle se setle sa batho se etsa setjhaba se phedisanang hantle. Batho ba etseng ho theha le ho boloka setswalle se setle?
Ho tswalana ke eng?
Setswalle se setle le setswalle se sebe; na ke na le setswalle se setle le batho kapa le diphoofolo Na ke na le setswalle se sebe kaekae?
Nka boloka ntshetsa pele le ho boloka setswalle se setle jwang?
Ho tla fanwa ka tataiso qalong ka ditemana tse filweng baithuti ha mmoho le dipotso tse tsamaelanang le tDitlamorao tse ikgethilengna le mesebetsi e tsamaelanang le ditemana.
Baithuti ba tla etsa phuputso ba sebedisa dibuka, dimakasine, dikoranta le ditemana tse ding kapa ka boitsebiso bathong bao ba teanang le bona.
Baithuti ba qala ka ho batlisisa dikamano mothong ka mong. Jwale hona ho tla kenyeletsa le dikamano ka bophara.
Tshebediso tse ikgethilengng ke mokgwa oo baithuti ba tsebiswang sehlooho se tla sebediswa. Mesebetsi e hlahellang thutong ya selelekela e fana ka motheo wa dithuto tse tla latela; ka lebaka leo ke taba ya bohlokwa hore tsena di etswe ka botlalo.
Thuto ena ya pele e thusa ka ho beha sehlooho HO THEHA SETSWALLE SE SETLE SEBAKENG se itseng.
Qala ka puisano ya sehlopha e tla tataisa baithuti ho utlwisisa se bolelwang ka kamano.
Ka mora mona ho tla latela puisano ya batithuti ba babedi ka dikamano tsa bona tse ntle le tse mpe ka puo e ekeditsweng kapa puo ya lapeng.
Jwale e tla ba nako ya ho etsa pehelo ya ditaba ka puo e ekeditsweng.
Baithuti ba tla ngola dipolelo ka kamano e nngwe le e nngwe ba sebedisa tlotlontswe e ntjha eo ba e filweng.
Lengolo le tswang ho Keneuwe le ballwa sehlopha, mme baithuti ba kotjwa ho batla tharollo mathateng a Keneuwe.
Qetellong, dihlopheng tse ka bang nne, baithuti ba itokisetsa tshwantshiso ya bona , mme ba tla e etsa e le e tla hlahlojwa.
Qala ka puisano ya sehlopha e hlalosang kutlwisiso ya baithuti ya lereo lena kamano?
Baithuti ba tlamehile ho utlwisisa phapang mahareng a ho tlwaela motho le motho eo ba tswalanang le yena . ba tlameha ho utlwisisa hore leetsi ho tswalana le ho bolela ho theha setswalle le / ho amana le.
Jwale mona o ka hlahisa tlotlontswe e ntjha eo baithuti ba e hlokang hore ba tle ba utlwisise hore tswalano ke eng.
Lenane le latelang la tlotlontswe e ntjha le ka sebediswa e le tataiso, empa mantswe e mang hape a ka eketswa.
bao o ba tlwaetseng batho bao o kopanang le bona ka mehla, empa e se bao ba ratang dintho tseo o di ratang tswalana le ho ba le dikamano le motho e mong kgohlano ho fapana ka maikutlo dithaka batho / metswalle/ bao o leng sehlopheng se le seng le bona bana ba motho dikgaitsedi kapa dikgaetsedie tsa hao ba lelapa ho keneyeletswa bao o tswalanang le bona: mme, ntate, jj.
mmangwane mme ya nyetsweng ke ntate ya ntswetseng ntate wa bobedi ntate ya nyetseng mme ya ntswentseng ba leloko bomotswala le ba bang bao ke tswalanang le bona maikutlo ho ba le ho ameha haholo jwalo ka: lerato, ho tshaba, thabo, ho utlwa bohloko, ho hloya ho kgahlwa ho amohela ka ho babatsa/ ho hlompha/ ho kgotsofala ho etsisa ho etsa ka moo ba bang ba etsang ka teng/ ho tshwantshisa/ ho etsa jwalo ka ba bang.
ho ba mona ho ikutlwa o sa kgotsofala kapa o le mohono o batla ho ba motho e mong kapa ho rata ho ba le seo motho e mong a nang le sona.
Bolakeborotong o ka etsa setshwantsho sa sekgo sa mefuta ka ho fapana ha tswalano eo baithuti ba ka bang le yona.
ELA HLOKO Dumella baithuti hore ba eketse ho feta mona.
Ke mang eo o tswalanang le yena ebile le utlwana hantle?
Ke mang eo sa tswalaneng le yena ebile le sa utlwane hantle?
Baithuti ba ngola dipolelo tse pedi bonyane ka tse ngotsweng ka hodimo puong e ekeditsweng.
Fana ka tataiso ka : Ke tswalana le .. haholo hobane ..?
Ha ke rate .. hobane ?
Le ha kwana hona e sa tlo ba taba e hlahlojwang, o tlameha ho hlokomela hore baithuti bohle ba ngola dipolelo tsena.
Tshwara ho se hokae boithaopo ba hore ho etswe pehelo ya ditaba.
Balla sehlopha lengolo le latelang.
Dumela, lebitso la ka ke Keneuwe. Ke na le dilemo tse 15 e se e le selemo jwale re ratana le moratuwa wa ka wa moshanyana. Bothata ba ka ke hore eitse hang feela ha ke qala ho bolella mme ka yena, o ile a kwata a ba a batla a nteleka hore ke yo dula le rakgadi. Ke ile ka bua leshano ka re ke tla kgaohana le yena , empa re ile ra tshwarwa. 5 O ile a ba a dumellwa ho mpona hang feela ka beke ebe mme o tla mmuela dintho tse mpe. Qetellong yaba o mmolella hore a se hlole a mpona hohang feela.
Lapeng, ha ke na moo e leng ha ka feela le ho ba mong ebile ha ke tsebe ho etsa letho ke sa diswa kapa ho se ya ntseng a sheba hore ke etsang. Ke ikutlwa eka ke sitisa ba lapa leso, empa nkeke ka ba ka kgaohana le moratuwa wa ka. Ka nnete ke a mo rata. Ke nahana hore ha batswadi ba ne ba sa rate ha ke kopana le yena nka be ke sa mo rate ha kana. Mme o entse hore re ratane haholo ka ha a ne a batla hore re etse seo yena a se batlang.
Ke tennwe ke sephiri sena. Ke etseng Hobaneng ha batswadi ba nahana hore ke fositse ha ke na le moratuwa?
Ako nthuse hle.
Ke mabaka afe ao ho ka fanwang ka ona a entseng hore mme a etse jwalo?
O nahanang ka moo Keneuwe a entseng ka teng?
O nahana hore moratuwa wa hae a ka be a itseng/ a reng?
Ho ka rarollwa jwang mathata ana?
ELA HLOKO: Tataisa baithuti ka moo ba ka thehang kutlwano ka teng le ho hlomphana e le hore mme le Keneuwe ba dule ba thabile le ha ba ka dumellana feela le ha mehopolo e sa tshwane. Thuto ena e thuse baithuti hore ba utlwisise hore na kamano e ntle ke efe. Ba tsebe ho utlwisisana, ho utlwisisa mohopolo wa motho e mong , mme ba o ananenele.
Baithuti ba sebetse ka dihlopha tsa bone ka bone ho lokisetsa tshwantshiso eo ba bontshang mathata a kamano le batho le tharollo.
Sebedisa e mantswe a tlotlontsweng e ntjha a lenaneng.
Rejisetara ya AC2 , maikutlo le boitshwaro bo tla behwa ka mokgwa wa babedi le maemo.
Sepheo sa AC3 sa ho amana se hlalositswe ebile se fihletswe.
bontsha ho utlwisisa rejisetara ho ya ka dikamano sebedisana le batho ba babang ba sebedisang puo bontsha hore o na le menahano e motle mabapi le tshwantshiso ya bona kgetha tlotlontswe e nepahetseng.
Pale e kgutshwane ya Ya phedisang lelapa?
Baithuti ba ballwa khathunu, ebe ho latela puisano ya sehlopha le ho beha ditaba. Qetellong baithuti, ba laolwa ho ya ka maemo, ba arabela ka bomong temana e ngotsweng.
Arola baithuti dihlopha tse nne ho tse tsheletseng ho ya ka boholo ba baithuti. Balla baithuti khathunu ka sehalo le lentswe le fetolwang ha ho balwa ho ya ka baphetwa ba fapaneng.
E re baithuti ba shebe Mosebetsi wa 1 leqepheng la 10 la Dibuka tsa mosebetsi tsa Baithuti. Baithuti bohle ba qetella dipotso, e mong le e mong o ngola seo sehlopha ka seng se tla se beha dibukeng tsa mosebetsi. Fana ka nako e lekaneng dihlopheng hore di qete mosebetsi. Ho arabela ho ka fapana; ha moithuti a nahana ka ho fapana le sehlopha, moithuti a kgothaletswe ho ngola le ho tshehetsa karabelo ya hae. Dihlopha di tla tlameha ho kgetha sehlalosi se tla behela ditaba.
Behela ditaba: dumella dihlopha ka ho fapana hore di arabele dipotso tse fapaneng. Pehelo ya ditaba e kenyeletse dihlopha kaofela.
Aba memorandamo o thusang ka ho tshwaya o ngotsweng qetellong ya Buka ya kgakollo ya Titjhere e ngolletsweng sehlopha ka seng hore se itlhatlhobe dikarabelo tsa sona.
Sheba diforeime tse nne tsa pele tsa khathunu, mme o hlokomele mantswe a sebdisitsweng le boitshwaro ba batho. Dintlha tsena di o bolella eng mabapi le kamano ya Dennis le mmae?
Ntata Dennis o hlatswa dijana ka kitjhining. O nahanang ka monna wa lelapa ya sebetsang jwalo?
Ke sefe se bontshang foreimeng ya 6 hore mme ha a tsotelle ha kaalo tshoso e etswang foreimeng ya 5?
Hlalosa mefuta e fapaneng ya matshwao a puo a sebedisitsweng puisanong ya khathunu.
Foreimeng ya 5 ho sebedisitswe letshwao la makalo.
Sepheo sa mongolo o moholo foreimeng ya 5 ke sefe?
o Hobaneng ha lentswe lena else le ngotswe ka ditlhaku tse kgolo haholo, mme ho ba le sepheo sefe ka lebaka leo?
Ngola polelo ya pele foreimeng ya 1 puong ya mo phetwa, jwalo ka ha eka o phethela motho e mong ditaba.
Ho tea mohlala: Na nka o ruta ho se hokae ka matshwao a puo mme a botsa?
e tla ba Mme o botsitse Dennis hore na a ka mo ruta matshwao a puo ho se hokae.
Ka phaposing qalong ya thuto balla baithuti pale.
Hlokomela hore baithuti ba utlwisisa se etsahalang paleng ka ntle ho ho bua ka dipotso tse mabapi le tlhatlhobo.
Efa baithuti Mosebetsi wa 2 ho qetella jwalo ka ha ho laetswe.
Batswadi ba moshanyana ya dilemo di leshome le metso e mene ba ne ba mo emetse hore a tle hae ka moputso wa hae wa pele wa beke.
Mamae o ne a se a lokisitse tafole, mme a ntse a sehella bohobe le botoro a lokisetsa dijo tsa bosiu. E ne e le mosadi e monyenyane ka seemo ka sefahleho se bonahalang ho sotleha, a apare bolousu bo bolou le sekhete se kwahetsweng ke foresekoto e tshweu e kentsweng setatjhe. O ne a bonahala a kgathetse ebile a hemela hodimo nako e nngwe le e nngwe. Ntate, a dutse a kgatholohile setulong sa kgale se nang le moo o behang matsoho teng, a namme maoto, le yena o ne a e na le sebopeho se senyenyane. O ne a e na le mahlo a tletseng metsi a bolou le ditedu tse ngata tse sootho. Batho bana ba ne ba futsanehile haholo, hobane phaposi, le ha e ne e hlwekile, e ne e se na le ha e le fenitjhara, mme marotho a maholo a sehelletsweng a botoro e ne e le ona feela hodima tafole.
Ha a lokisetsa dijo, mosadi enwa a nna a sheba monna ka la mo leka nako ena kaofela. A se ke a mo natsa le hanyenyane feela, a bula mahlo ho mo sheba, kapa a llisa meno a hae kgafetsa ka manala a hae, a iketsa eka o kgathetse haholo.
O tlohele tjhelete eo feela jwalo, mosadi a bua, ho utlwahala hantle hore o phetha seo a kileng a se bua pejana ka makgetlo a mangata, Ke a tseba hore ho tla etsahalang ha o ka e fumana. O tla mpha yona. E tla lefella rente e be e reka dijonyana di sekae, eseng ho ya motjhining wa tjhelete thaveneng efe kapa efe.?
O kwale molomo oo wa hao, monna a bua, a buela tlase?
Ha ke thole! mosadi a buela hodimo, a kgenne haholo. Hobaneng ha ke tlameha ho thola O bile morena ka nako e telele mona. Ke ile ka mamella ha o sa ntse o tlisa tjhelete mona lapeng, empa jwale nke ke ka hlola ke mamella. Ha o letho mona. Na o a utlwa Ha o letho. Eta ho lla sa ka mona, o tla mpha tjhelete eo!?
Re tla bona ha a fihla, monna a araba, a rotetsa mollo butlebutle?
Yaba ha ho sa buuwa letho ka nako e ka bang metsotso e mehlano.
Yaba moshanyana o a kena. O ne a bonahala a e so fete dilemo tse leshome kapa tse leshome le motso o le mong. O ne a bonahala a se motle borukgweng bo bolelele. Bosweu ba mahlo a hae bo rethebane hodima botsho ba sefahleho e ne eka o tshohile.
Ntate a ema ka maoto. Tjhelete e kae a bua a kgaruma?
Moshanyana a sheba enwa a sheba yane. O ne a tshaba ntatae. A nyeka dipounama tsa hae tse omeletseng.
E tlise, bo, a bua ntatae. Tjhelete e kae?
O se ke wa mo fa yona, mosadi a bua, O se ke wa mo fa yona Thabang. Mphe yona?
Ntate a atamela moshanyana butle, a tlenne mme meno a hlahelletse ditedung tsa hae tse entseng sehlahla. Tjhelete eo e kae e ne eka jwale o se a seba?
Moshanyana a mo kenya mahlo. E lahlehile, a araba?
O entseng ntatae a tlerola?
E lahlehile. Moshanyana a boela a phetha?
Monna a qalella ho kgaruma ebile a tsoka matsoho.
E lahlehile! E lahlehile! O reng O ka e lahla?
E ne e le ka pokothong, moshanyana a raba, ka hara emfolopo e nyenyane. E lahlehile?
E lahlehile hokae?
ha ke tsebe. Mohlomong e lahlehile seterateng.?
Na o ile wa ya e batla moo e lahlehileng teng?
Moshanyana a dumela ka ho oma ka hlooho. Ha nka ka e fumana, a araba?
Monna a korotla, a suma, a dumaella tlase modumo oo phoofolo e o etsang. Ke hore o e lahlile, he a kgaruma. A tjhetjhella morao mehato e se mekae, yaba o lokolla lebanta la hae lebanta le sephara, le letenya, le nang le tjhesepore e boima ya tshepe. Tloho kwano, a laela. Moshanyana a loma pounama e ka tlase ho leka ho thibela meokgo, a atamela butle, monna a phahamisa letsoho la hae. Mosadi o ne a sa sisinyehe hohang feela ho fihlela ka nako eo, yaba o tlolela monna a phamola lebanta leo. Monna wa hae, a ba le matla ka lebaka la ho halefa ha hae, a mo sutuletsa thoko ha bobebe. Yaba o theolela lebanta mokokotlong wa moshanyana. A mo otla a sa mo qenehele le letho hohle mmeleng le matsohong. Mosahnyana a korobana yaba o ya fatshe, empa o ne a sa lle?
Ha a se a kgathetse, yaba o itlama ka lebanta, mme a hula moshanyana ka maoto. Jwale o yo robala, a mo laela?
Ntjhanyana o lapile o batla ho ja, mosadi a bua?
Ha a yo robala. Tsa mo itlhatswa.?
A sa re letho, moshanyana a ya itlhatswa matsoho le sefahleho. Ha a qetile a ya robala.
Monna a dula tafoleng, a ja bohobe bo tshasitsweng ka botoro a ba a nwa dikopi tse pedi tsa tee. Mosadi yena a se ke a ja hohang feela. A dula a mo shebile, a sa tlose mahlo a hae ho yena, a mo shebile ka lehloyo le matla. Jwalo ka pele, a se ke a mo natsa le ho mo natsa, a iphanpanya yena, a etsa eka ha a yo ho tu! Ha a qetile ho ja, a tswa.
Hang feela ha a qeta ho kgahlela lemati, mosadi a tlola, yaba o mathela ho moshanyana ka kamoreng.
O ne a lla ha bohloko, a ikwahetse sefahleho ka mosamo. O ile a dula mothating wa mealo yaba o mo kopela ka matsoho, a mo hulela ho yena sefubeng, a mo phollapholla moriri o matsetlela, a mo kgothatsa ka lerato, a ho kokobetsa maikutlo. Moshanyana a mo dumella ho etsa jwalo, a utlwa a kgatholohile ha a ho kopetse jwalo, a ikutlwa a tshedisehile hara meokgo ya hae e rothang.
Ka mora nakwana a ya a kgaotsa ho lla. A bula mahlo a ba a tsheha le mmae, mahlo a hae a hlakile. Yaba o kenya letsoho ka tlasa mosamo, mme a hula emfolopo e ditshila a nyenyane.
Tjhelete ya hao ke ena, a seba?
A nka emfolopo, yaba o a e bula, a hula leqephe le le lelele la pampiri le ngotswe dipalopalo, diranta tse mashome a mahlano tsa pampiri le diranta tse hlano tsa tshepe.
Na mme le ntate ba na le mabaka a tshwanang a ho batla hore mora a tle lapeng?
Fana ka lebaka la karabo ya hao dintlheng ka ho tshwana.
Ke dintho dife tse pedi tse etsahalang ha mme a eya ho mara wa hae ka hodimo ka mora hoba mora a shapuwe?
Moshanyana a mo sheba ka mahlong. E lahlehile, a araba?
Hantle ntle ho etsahetseng ka tjhelete?
Hobaneng ha a fa mmae tjhelete a sa e fe ntatae?
Na o nepile ha a bolella ntatae leshano Fana ka lebaka?
Ke mang ya phedisang lelapa Hobaneng ha o rialo?
Ke ka lebaka lefe e leng phoso hore moshanyana a sebetse?
Maikutlo a mme ke afe ho monna wa hae Qotsa mehlala e mmedi e tswang paleng e bontshang maikutlo a hae?
Maikutlo a hao ke afe ka hore batswadi ba shape bana ba bona?
Fana ka lebaka la maikutlo a hao.
ka ha ena ke puo e ekeditsweng ho kgothaletswa puisano haholo sebopeho sa karabo e ka bang le dikarabo tse ngata. Ba mamele ka moo moithuti a buang ka teng, mme ba amohele maikutlo a baithuti, ha feela tsena di tshehetswa ke mabaka a utlwahalang. Memorandamo o thusang ka ho tshwaya o utlwisiswe ka mokgwa ona.
Na mme le ntate ba na le mabaka a tshwanang a ho batla hore mora a tle lapeng?
Fana ka lebaka ha o arabela ntlha ka nngwe.
Ntate o tla sebedisa tjhelete thaveneng moo a tla enwa teng.
Ke dintho dife tse pedi tse etsahalang ha mme a eya ka hodimo ntlong ho mora ha a qeta ho shapuwa?
Mme o kgothatsa mora wa hae (matshwao a 2) , mme mora o fa mmae tjhelete (matshwao a 2).
Moshanyana a mo kenya mahlo.. E lahlehile,a bua?
Hantlentle ho etsahetseng ka tjhelete?
Hobaneng ha a fa mmae tjhelete a sa e fe ntatae?
Na ke ntho e ntle hore a thetse ntatae.
Maikutlo a hao ke afe mabapi ha moshanyana ha file mmae tjhelete a sa e fa ntatae?
O patile tjhelete yaba ka morao o efa mmae.
o O ne a dumellana le ka moo mmae a tla sebedisa tjhelete ka teng./ Mme le mora ba ne ba utlwana ho e na le ntate le mora. / O ne a sa dumelane le mokgwa oo ntatae a neng a tla sebedisa tjhelete eo ka ona.
Tjhe, ha ho a lokela ho bua leshano neng kapa neng feela.
E, motho a ka nna a bua leshano ha o thusa.
Maikutlo a baithuti a tlameha ho tshehetswa ka mabaka, ho tea mohlala O nepile hobane o dumellana le mokgwa oo mmae a tlang ho sebedisa tjhelete eo ka teng.
O fositse ka ho fa mmae tjhelete hobane ntate ke hlooho ya lelapa?
Ke mang ya phedisang lelapa mona lapeng lena Hobaneng ha o nahana jwalo?
Moshanyana ke yena ya phedisang lelapa (letshwao le 1), hobane o a lefuwa hore a phedise lelapa (matshwao a 2).
Hobaneng ha ho sa loka hore ebe moshanyana o a sebetsa?
Dilemo tsa hae ha di mo dumelle hore e be o a sebetsa ka ha a le dilemo tse leshome feela kapa tse leshome le motso o le mong.
a sheba monna ka la moleka?
Ha ke thole!?
Ha o letho mona.?
Eta ho lla sa ka mona o tla mpha tjhelete eo.?
O se ke wa mo fa yona.?
matshwao a 2 qotsong e nngwe le e nngwe?
Maikutlo a hao ke afe mabapi le batswadi ba otlang bana?
Fana ka lebaka mabapi maikutlo a hao.
Batswadi ha ba a tshwanela ho otla bana ba bona hobane molao ha o dumele/ ho otla ha ho thuse ka letho ho rarolla mathata/ bana ba tla nahana hore tharollo ya qaka ke ka ntwa feela.
Batla lentswe moleng wa 13 le nang le moelelo le a mo sheba ka lehloyo?
Matshwao a puo a makalo le matshwao a potso moleng wa 44 a bolelang kapa a talolang ka maikutlo a ntate?
O e lahlile! O e lahlile! O bua ka eng Ho tla jwang hore o e lahle?
Ka nako e nngwe puo e sebedisetswa ho kgutsufatsa, ho tea mohlalantatae Ngola lentswe lena le lelefetse?
Batla lentswe moleng wa 12 le nang le moelelo o le mong le wa a mo sheba ka la moleka molenag wa 68?
Ngola polelo ena ka puo ya mophetedi.
Tjhelete e kae?
O ne a hatella ho tseba hore tjhelete e hokae.
Matshwao a makalo le matshwao a potso moleng wa 44 a bolelang kapa a talola maikutlo a ntate jwang?
Ka nako e nngwe puo e ye e bontshe kgutsufatso, ho tea mohlala: ntatae.
Mosebetsi ona ka tlhatlhobo le kutlwisiso ya setshwantsho. Titjhere o thusa hore sehlopha se utlwisise mareo a matjha. Ho tea mohlala (tikoloho, maikutlo, melao ya bophelo le MOHATO WA phedisano le moruo). Baithuti jwale ba tla sebetsa ka dihlopha ho hlahloba le ho utlwisisa ditshwantsho le ho etsa setshwantsho se entsweng ka dipampiri tse ngata. Mona ho lokisetswa pehelo ya molomo ya moithuti e tla hlahlojwa.
Ho tataisa ka ho hlalosa moelelo wa mantswe ao ba ka a sebedisang ho hlalosa ditshwantsho, ho tea mohlala, tikoloho, maikutlo, MOHATO WA phedisano le moruo. Baithuti ba ngole tlotlontswe e ntjha setshwantshong se dibukeng tsa bona.
o setshwantsho sa dipampiri tse ngata o pehelo ya bona ya molomo.
Arola phaposi ka dihlopha tse 6-8 tsa baithuti.
Ka morao Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moituti ho na le ditshwantsho tse nne tse fapaneng tsa thuto ena. Efa sehlopha ka seng setshwantsho se fapaneng. Diphaposing tse kgolwanyane, dihlopha tse ngata di tla be di buisana ka setshwantsho se le seng.
Baithuti ba buisana le ho utlwisisa ditshwantsho ka ho inahanela ba sebedisa dipotso tse latelang e le tataiso Dibukeng tsa Mosebetsi leqepheng la 13. Baithuti ba tlameha ho ngola ho arabela ha sehlopha dikgeong tse teng.
Ke mang/ bomang ba leng bohareng ba setshwantsho?
Ke dintlha dife tse re tlamang hore mahlo a rona a tsepame hodima motho eo?
Ke maikutlo afe a hlahiswang ke batho ba setshwantshong, ho tea mohlala, thabo, tlhonamo, ho sithabela, tebello, ho befelwa. Fana ka mabaka mabapi le karabo ya hao.
Ditshwantshong tse pedi batla dintho tse tshwanang le tse sa tshwaneng.
Ditshwantshong tse pedi ke sefe se o bolellang ka bophelo ba batho?
Ditshwantshong tse pedi ke sefe se o bolellang ka MOHATO WA moruo a batho?
Dihlopha di fana ka dihlooho tse loketseng ditshwantshong tseo ho fanweng ka tsona.
Dihlopha di a behela sehlopha ditaba ka bokgutshwane, di hlalosa dintlha tse ileng tsa qoqwa tse tsamaelanang le setshwantsho sa sehlopha sa bona le tseo tse tsamaelanang le papiso. Pehelo ena e ka etswa ke ditho tsa dihlopha ka ho fapana.
Tlhatlhobo ya ho phehisa ha moithuti ka mong sehlopheng.
Baithuti ba etsa ba be ba buisane ka moelelo le kutlwisiso.
AC 1 : Moelelo wa sethatho o etswa ka ditemana tsa moithuti ka mong.
AC 4 : Moelelo o ba teng ka lebaka la tshebedisano le basebedisi ba puo.
AC 8 Puisano eo ho fanweng mabaka ka yona ka kutlwisiso, mme moelelo o a hodiswa.
AC 6: Ditshwantsho le tseo e seng tsa ditshwantsho tsa ditemana di a hlwauwa ebe di a hlahlojwa.
Ho ithuta difoto/ditshwantsho le ho hlahloba maikutlo, maemo le maikemisetso.
Ho bapisa ditemana le ho hlahloba botebo ba ditshwantsho le tseo e seng ditshwantsho ho tse ding ho e na le ho tse ding.
Potoloha le ho hlokomela phehiso ya moithuti ho ya ka sehlopha.
Ngola tlhatlhobo ena le ha kwana ditlhokomelo di le mmalwa feela.
Ho rala ha dihlopha setshwantsho sa dipampiri tse ngata se bontshang dikamano tse ntle le tse mpe ka ho sebedisa ditshwantsho tseo baithuti ba ileng ba di bokellela mosebetsi ona. (Hopotsa baithuti ho bolokela setshwantsho pehelo ya molomo ya moithuti) Setshwantsho se seng le se seng sa dipampiri tse ngata se tlameha ho ba boholo ba A4.
Setshwantsho sa dipampiri tse ngata se tlameha ho bontsha phapang e totobetseng mabapi le dikamano tse ntle le tse mpe.
Disebediswa ditshwantshong tsa dipampiri tse ngata e ka ba diralwa, ditshwantsho, mantswe a sehilweng dikoranteng, dimakasine kapa dintho tse ding tse iqapetsweng tse hlophisitsweng ka boinahanelo ho fana ka mohopolo o bonahalang.
Baithuti ba kenyeletse le dipolelo tse hapang tsa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata tse ka sehellwang dimakasineng kapa tsa ngolwa ho kgabisa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata.
Ho tea mohlala; Motswalle wa ka ya nang le PHAMOKATE, e sa ntse e le motswallle wa ka?
Ha ho etswa pehelo sehlopheng ditho tsohle tsa sehlopha di fane ka nako e fapaneng ya ho bua dintlha tse itseng tsa setshwantsho sa dipampiri tse ngata.
HLOKOMELA : Sehlopha ka seng se tla fuwa nako ya metsotso e 2-3 ya ho etsa pehelo.
Bapatsa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata ka phaposing e le hore baithuti ba di hlahlobe. Baithuti ba kgetha setshwantsho sa dipampiri tse ngata se fihletseng sepheo ka ho fetisa.
Baithuti ba bue motho a le mong puo e lokiseditsweng motsotso o 1 ho ya ho e 2 e tswa ho temana ya ditshwantsho ka dikamano.
O nahana hore maikutlo a setshwantsho ke afe?
Ke melao efe ya lelapa le ya phedisano eo o ka e hlwayang setshwantshong?
Na o nahana hore MOHATO WA phedisano le moruo e ama dikamano Ha ho le jwalo, jwang?
AC 1: Moelelo wa sethatho o ba teng ka lebaka la ditemana ka motho.
AC 6: Tse bonwang le tse sa bonweng tsa ditemana di a hlwauwa di be di hlahlojwe.
Ithuta difoto/ditshwantsho le ho hlahloba maikutlo, mokgwa le maikemisetso o bapisa ditemana o be o hlahlobe ho sebetsa ha tse bonwang le tse sa bonweng ho e le nngwe jwalo ka ha e se ho tse ding.
Sebedisa rubiriki e latelang ho hlahloba pehelo ya molomo ya moithuti.
HLOKOMELA: Hlokomela hore baithuti ba tseba mekgwa ya ho hlahloba pele ba qeta thuto ena.
Sebopeho se ikgethileng sa dikarolo tse 3; selelekela se hohelang; qetello e ka sebetsang.
Ha ho na sebopeho se ikgethileng.
Lentswe le hlakileng; pehelo ka lentswe le utlwahalang; pehelo e hlwahlwa ya mehopolo; ho ba le kamano le bamamedi ha ho behwa ditaba; tse ka bontshwang di sebediswa hantle ho tshehetsa taba.
Lentswe le hlakileng; pehelo ka lentswe le utlwahalang; pehelo ya mehopolo e batlang e kgotsofatsa; kamano le bamamedi, empa e sa kgotsofatse ka mehla; tse bontshwang di sebediswa hantle ho tshehetsa taba.
Dintlha di a behwa, empa ha di a hlaka ha kaalo; ho qeaqea ho etsa hore bamamedi ba be le bothata ba ho utlwisisa; ho sheba bamamedi mahlong ha ho buuwa ho a fokola; ho ba le boitshwaro bo sitisang ho mamela se buuwang. Tse tla bontshwa di sebediswa hantle.
Lentswe le sa utlwahaleng le kamano le bamamedi e tlase haholo; mofutswela feela wa ho beha dintlha; ho ba le dintho tse sitisang ho mamela ka lebaka la ho se tsetse ha sebui; ho behwa ha ditaba ha ho utlwahale le dintlha ha di latelane ka tatelano e utlwahalang. Tse tla bontshwa ha di sebediswe hantle hohang feela.
Tshebediso e ntlentle ya tlotlontswe; sebopeho sa polelo le tshebediso ya sebopeho sa puo e be e ntle; ho leka ka matla ho sebedisa tlotlontswe le dipolelo tse thata.
Tshehdiso e batlileng e eba ntle ya ho sebedisa sebopeho sa puo, sebopeho sa polelo; tlotlontswe e seng kaalo; ho ba boima ho ka bua hantle;ha ho na biteko bo matla ba ho sebedisa dipolelo le tlotlontswe e ntjha.
Tshebediso e swabisang ya sebopeho sa puo, sebopeho sa dipolelo le tlotlontswe, mokgwa o bohlaswa wa ho sebedisa dipolelo le tlotlontswe e ntjha pehelo e sa lohehang hantle?
Kgetho e mpe ya setshwantsho eo e leng hore e na le dintlha tse ngata kapa tse nyenyane haholo ho hlakisa tsepamiso ya maikutlo.
Thuto ena e qetellang e sebedisa mohlala wa lengolo la motswadi ya ferekaneng a le ngolla makasine wa batjha a kopa thuso. Baithuti ba sebetsa ka dihlopha ho lekola moo ho nang le qhwebeshano le mokgwa wa ho rarolla mathata ao ebe ba fuputswa ho se hokae ka bo bona. Baithuti ka bobona ba ngola puisano ya batho ba babedi e kgutshwane, mme ba laolwa, ebe ho ngolwa lengolo la setswalle.
Balla sehlopha lengolo. Hlalosa hore batho ba bangata ba ngolla sekgutlwaneng sa Agony Aunt dimakasineng ho kopa thuso ka mathata a bona a bophelo.?
Lekola hape mokgwa le mantswe a sebedisitsweng ho ngola lengolo la setswalle.
Batho ba bangata ba ngolla sekgutlwana sa Agony Aunt dimakasineng tsa batjha ba batla thuso ya ho ka rarolla mathata a bona hore ba phele hantle. Lena ke lengolo le tswang ho motswadi ya kopang keletso ya ka moo a ka phedisanang le batjha ba babedi ba hae, mme o arajwa ke Aunt Sarah?
Qotso ena e tswa lengolong le ngolletsweng makasine wa SHE?
Ako nthuse hle. Ekaka ke a hlanya jwale ke hloka keletso ya hao.
Mohatsa ka o sa tswa hlokahala dilengwaneng tse mmalwa tse fetileng, mme a ntshiya hore ke hlokomele batjha ba babedi ba rona. Jwale ba a hola ebile ha ba sa mmamela hohang feela kapa le ho etsa seo ke ba laelang sona. Ke leka ka matla ho ba etsetsa tsohle, empa re dula feela re omana.
Seabata, e leng e moholo, o na le dilemo tse 17 ebile o mohatong wa 11. O tla feela hae ho tla ja le ho tla robala. Ha a thuse ka letho lapeng kapa hona ho mpha tjhelete le ha a sebetsa ka Moqebelo. Ha a iphe nako e lekaneng ya ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng, mme ke ngongorehile haholo hobane selemo se tlang, ha a sa bale, ha a na ho pasa materike. O ne a atisa ho ba ngwana ya kgatahallang, empa jwale o fetohile. Ha ke rate le metswalle eo a tsamayang le yona. Ba mo tlwaeditse dintho tse mpe.
Athe ha e le moradi wa ka yena, Mosela, o na le dilemo tse 14 feela, empa o se a batla ho apara le ho phela jwalo ka motho ya dilemo di mashome a mabedi. O dulela ho kopa tjhelete feela hore a ithekele dintho tseo a di batlang; seo a nahanang feela ka sona ke bashanyana. O dula a buletse seyalemoya se tidinya letsheare lohle mme o utlwa bohloko ha ke mo kopa hore a e theolele tlase. Hantlentle o ye a be a kgene, a be a nkgarumela ha ke mmotsa hore o tswa kae kapa o ne a etsang. O dulela ho ipelaetsa ka hore ha a tshwarwa hantle hobane ha ke mo dumelle ho etsa ka moo Seabata a etsang ka teng, empa ha a elellwe hore Seabata o moholwanyane ho yena ebile ke moshanyana?
Ka nnete ha ke sa kgona. Ke fihla hae ke tswa mosebetsing ke kgathetse ebe jwale ke tlameha ho shebana le masawana ana a bona. Ke a utlwisisa hore ha ho monate hore ba lahlehelwe ke ntate ba le banyenyane jwalo, empa le nna ho ntse ho se monate feela jwalo.
Ke a kopa hle hore le mpolelle hore ke fositse kae.
Baithuti ba behela sehlopha sohle ditaba ba sebedisa mmapa wa monahano.
Baithuti ba ngola ditaba tsena dibukeng tsa bona tsa mosebetsi e le hore ba tle ba di sebedise phuputsong e nyenyane e latelang.
Seabata o tla lapeng esale ka madungwadungwana ha esale a tswile bosiu bohle a sa bolella mmae.
Mme: Seabata, na ke wena ka nnete ya tlileng haet?
Seabata : E, ke fihlile hae!
Mosela o batla ho tswa bosiu le motswalle eo mmae a sa e tsebeng.
Mme : Tumisang ke mang Le ya kae?
Ho se arajwe ka lentswe le le leng feela?
AC 1 : Moelelo wa sethatho o ba teng ka lebaka la ditemana tsa motho.
AC 9: Puisano e tswela pele.
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe.
Tshebediso e batlang e nepahatse ya sebopeho sa puo; sebopeho sa dipolelo, mopeleto, mme tlotlontswe e batla e nepahetse.
Arola baithuti dihlopha tse 6- 8. Sehlopha ka seng se kgetha karolo ya qhwebeshano e ileng ya hlwauwa pejana lengolong leo ba le ngotseng dibukeng tsa bona tsa mosebetsi tsa moithuti ka mong. Setho ka seng sa sehlopha se fuputsa sehlooho sena ka ho botsa batswadi ba bona/ bahlokomedi ba bona le metswalle hore ba nahanang ka taba ena le hore ba ka e rarolla jwang.
Na o nahana hore batjha ba dumellwe ho apara ka moo ba ratang ka teng?
Taba ena ha e a rerelwa hore e be phuputso e telele e batlang dipuisano le batho tse hlophisitsweng ho ya ka boithuti kapa e ngotsweng. Moithuti e mong le e mong o hloka feela ho buisana le motswadi a le mong/ mohlokomedi a le mong le motswalle a le mong kapa ba babedi.
Ha re kgutleleng phaposing, efa sehlopha ka seng leqetswana la pampiri, mme o ba kope hore ba ngole dikarabo tsa bona, ka ho latelana, dikholomong tse tharo kareteng tsa bona. Hlalosetsa baithuti hore ba ka qoba ho ipheta jwang.
Batswadi ba senya tjhelete ka dintho tse ding?
Dihlopha di rala pehelo ya tsona ya ditaba ka ho kgetha setho se le seng sa sehlopha hore se buelle sehlopha.
Sehlopha se seng le se seng se beha ditaba ka ho sebedisa karete ya sona e le moralo. Pehelo ya ditaba e etswe ka dipolelo tse felletseng.
Etsa hore ho be le nako e kgutshwane ya puisano ka mora pehelo e nngwe le e nngwe.
Baithuti ba ngolla Sarah lengolo la setswalle ba araba kopo ya hae, fana ka maikutlo a titjhere o be o tataise hore ho etsweng ha ho qetwa. Dimmapa tsa monahano tse ileng tsa ngolwa le dikarete di thusa ka tlotlontswe ha lengolo la boiqapelo le ka sebediswa ho fana ka mokgwa wa ho ngola.
Hlwaya o be o lokise diphoso tsa mopeleto, sebopeho sa puo jj.
Baithuti ba ngola hape lengolo la bona le lokisitswe.
Ho hahwa dipolelo ka ho sebedisa puo e nepahetseng, mopeleto le matshwao a puo.
Sheba diforeime tse nne tse qalang tsa pele tsa khathunu o hlokomela puo e ngotsweng le boitshwaro. Dintlha tsena di hlalosang ka kamano ya Dennis le mmae?
Mme o na le mamello e kgolo ho Dennis.
Dennis o tseba hore mmae o tla mo fa menyetla e mengata.
Ntata Dennis o hlatswa dijana ka kitjhining. O nahang ka taba ya hore monna wa lelapa a hlatswe dijana?
Ke a dumela.
Ha ke dumele. Banna ha ba a thswanela hobane ke bona ba phedisang lelapa.
Ke eng e bontshang foreimeng ya 6 hore mme ha a kgathalle ha kaalo tshoso e teng foreimeng ya 5?
O a tsheha.
Hlwaya mefuta e fapaneng ya matshwao a puo e sebediswang ha ho buuwa khathunung.
Foreimeng ya 5 ho sebedisistwe letshwao la makalo. Kgetha lenaneng ka tlase mona hore mosebetsi wa letshwao lena la makalo ke ofe.
Sepheo sa ho ngola ka mongolo o moholo ke sefe foreimeng ya 5?
Sepheo sa ho ngola ka mongolo o moholo ke ho matlafatsa se bolelwang; e bontsha lentswe le matla le letenya.
Hobaneng ha lentswe lenahape le ngotswe ka ho ntshofatswa, mme le na le sepheo sefe?
Mme o bolella Dennis hore ke ka makgetlo a mararo a ileng a mo bolella hore a hlapele dijo tsa bosiu. Hona ho mo etsa hore a etse ho hong qetellong.
Ngola polelo ya pele ya foreime ya 1 ka puo ya mophethedi jwalo ka ha eka o ne o behela motho e mong ditaba.
Mme o bolelletse Dennis ka makgetlo a mararo hore a hlapele dijo tsa bosiu.
<fn>sot_Article_National Language Services_RE ITOKISEDITSE H (1).txt</fn>
Re tla o tsebisa?
ka moo o ka fumanang Taelo ya Tshireletso re be re o thuse ha ho ka ba le tlolo ya Taelo eo; le ka ditokelo tsa hao le ditsela tse ding tse ngata tse teng.
Re tla o sireletsa le sebakeng seo ketso e etsahalang ho sona, mme ha ho hlokeha, re be re tshware le motho eo ya tlolang molao.
Re tla nka setatemente sa hao sephiring.
ditshebeletso tsa tshehetso ya diphofu hore o kgone ho thuseha kelellong le ho tsohle tseo o di etsang; le bodulo le tshireletso.
Ha o na le ditletlebo, o ka iteanya le ba ofising ya sebaka kapa porovense ya heno ya bohlahlobi ba mapolesa.
<fn>sot_Article_National Language Services_RE ITOKISEDITSE HO LE.txt</fn>
Ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ba ikemiseditse ho thusa motho ya tletlebang moo ho bolokehileng hape sephiring, mme ba tla tshwara motho eo ya tletlebang ka hlompho le ka seriti. Mekgwatshebetso e tla hlaloswa ha e ntse e etsahala.
Lepolesa le tla nka dintlha tsohle tsa bohlokwa tsa botlokotsebe mme le ngole setatemente ho tswa ho motho ya tletlebang le sebedisa mantswe ao motho eo a wa sebedisitseng ho hlalosa ketsahalo.
Motho ya tletlebang o lokela ho bala setatemente. Ha a sa tsebe ho bala, leponesa le lokela ho mmala setatemente seo. Diphoso dife kapa dife tse ka bang teng di tla lokiswa pele motho ya tletlebang a se saena.
Bahlanka ba rupelletsweng ka mokgwa o ikgethang ho tswa Yuniting ya Dintwa tsa ka Malapeng, Yuniti ya Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Tlhekefetso ya Thobalano, ba tla etsa dipatlisiso mme ba nke setatemente se felletseng.
Ho tla bulwa dokete ya nakwana. Motho ya tletlebang ha morao o tla fuwa nomoro ya nyewe, mme ha ho kgoneha, le khopi ya setatemente.
Ho tla nkuwa mme ho lekolwe aterese ya motho ya tletlebang le diaterese tsa batho ba abng bao ho ka iteangwang le bona ba jwalo ka ba lelapa le metswalle. Hona ho tla ngolwa dayaring ya dipatlisiso.
Tlhokeho ya hlahlobo ya bongaka e tla hlalosetswa motho ya tletlebang e be o iswa hlahlobong eo ya bongaka ka potlako ka ho ya ka moo ho kgonehang.
Ha motho ya tletlebang a bolelletse motho e mong ka ketsahalo pele a e tlaleha mapoleseng?
Haebe lepolesa e bile lona motho wa pele eo motho ya tletlebang a buileng le lona, lepolesa le tla romela setatemente sa boemo boo motho ya tletlebang a neng e le ho bona mmoho le mantswe ao e leng ona a wa sebedisitseng.
Lepolesa le tla ngola setatemente sa ho tshwara motho ha mmelaelwa a tshwerwe, e be ho nkuwa bopaki.
O tla lokela ho hlaha ka pela lekgotla la dinyewe ho tla fana ka bopaki ba ho etsahetseng. Motho ya tletlebang o tla romelwa mokgatlong o seng tlasa mmuso wa NGO bakeng sa dikeletso le tshehetso.
Mahlatsipa a na le tokelo ya ho tshwarwa ka hlompho le seriti.
<fn>sot_Article_National Language Services_Re tla o thusa.txt</fn>
Ho re neha dintlha tsa nnete, tse nepahetseng hape tse felletseng diaterese tse nepahetseng tsa hao tsa poso le tsa bodulo diphetoho tse amanang le wena, mohlala, diphetoho tsa ditjhelete, aterese, boemo ba bongaka; jj.
O na le tokelo ya ho etsa kopo ya dithuso ho fumana ditshebeletso ka hlompho le ka tlasa maemo a kgotsofatsang ho thuswa ka tsela e se nang leeme hape e sa nkeng mahlakore ho fumana tshebeletso e nang le setswalle, thuso, hlompho le kutlwelo ho tswa ho mohlanka ya ipoletseng, ya nang le boikarabelo, bokgoni, ya hlaphohetsweng hape ya hlomphehang hore ho lekolwe botjha qeto ha o bona e sa nepahala ho bona dintlha tse mabapi le wena ho ba sephiring ha hao ho hlophuwe hape dintlha tse mabapi le wena di bolokwe e le lekunutu ho fumana mekgwa e hlakileng ya ho tlaleha tlhekefetso, tshebediso e sa lokang le bomenemene ho sireletswa ha o tlaleha tlhekefetso, tshebediso e sa lokang le motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso kapa tjhelete ka tsela e seng molaong ho lokisa eng kapa eng e fosahetseng kapa e nang le leeme ho se sitiswe ka baka la diphoso tsa tsamaiso, mohlala, ho lahleha ha ditokomane le difaele, jj.
Re kopa hore o re thuse hore le rona re ho thuse ka?
<fn>sot_Article_National Language Services_SEO MOSEBETSI E MONG.txt</fn>
Tataiso ena e ngotswe malebana le bophelo bo botle le boipaballo ba basebetsi naheng ya Afrika Borwa. Ha e a rerelwa ho sebediswa sebakeng sa Molao wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e meraro wa Bophelo bo botle le Polokeho mesebetsing. E reretswe ho hlalosa Molao ona ka mantswe a bonolo ao eseng mantswe a sebediswang molaong bakeng sa bohle ba amehang mona mererong ya bophelo bo botle le polokeho mona Afrika Borwa.
Seabo sa bahlahlobi ba bophelo bo botle le boipaballo mesebetsing ba Lefapha la Mesebetsi se hlalositswe. Mesebetsi le ditokelo tsa basebetsi jwalo ka ha di hlalositswe ke molao bakeng sa basebetsi bana e hlalositswe. Ho totobatswa seabo le boikarabelo ba boramesebetsi, bahlahisi, bataki, baamohedi ba tse tswang ka ntle, batshehetsi le barekisi bakeng sa ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba na le bophelo bo botle le polokeho mosebetsing. Qetellong ho hlaloswa mesebetsi ya baemedi ba bophelo bo botle le polokeho esita le tsona dikomiti.
Molao wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e meraro wa Bophelo bo botle le Polokeho mesebetsing o batla hore ramosebetsi a tlise le ho baballa ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng maemo a bolokehileng mme a hlokang dikotsi malebana le bophelo ba basebetsi mosebetsing. Hona ho bolela hore monnga mosebetsi o lokela ho hlokomela hore sebaka sa tshebetso ha se na letho le ka bang kotsi jwalo ka benzene, tlelorine le dikokwanyana tse nyenyane haholo, dintho, thepa, le tshebetso e itseng, jwalojwalo, e leng tse ka bakang kotsi, tshenyo kapa mahloko. Ha eba tsena di le boima ho etsahala, monnga mosebetsi o lokela ho tsebisa basebetsi ka dikotsi tsena, ka moo di ka qojwang ka teng, ka moo ho ka sebetswang ka polokeho ka teng, le ho fana ka mekgwa e meng hape ya boipaballo malebana le sebaka se bolokehileng sa mosebetsi.
Le ha ho le jwalo, ha ho a lebellwa hore e be monnga mosebetsi feela a le mong ya bang le boikarabelo bakeng sa bophelo le polokeho. Molao o beilwe ka kutlwisiso ya hore dikotsi mesebetsing di lokela ho fediswa ka puisano le tshebedisano pakeng tsa basebetsi le monnga mosebetsi. Basebetsi le monnga mosebetsi ba lokela ho thusana ka ho ba le boikarabelo malebana le bophelo le polokeho mosebetsing. Mekga ena e mmedi ya batho e lokela ho lemoha dikotsi tse ka bang teng le ho hlahisa mekgwa eo di ka fediswang ka yona e le ho etsa hore mosebetsing ho be le paballo le polokeho. Ka tsela ena, monnga mosebetsi le basebetsi ba na le seabo tseleng ya tshebetso moo baemedi ba bophelo le polokeho ba tla hlahloba sebaka sa tshebetso kgafetsa mme ba etse pehelo e lebiswang komiting ya bophelo le polokeho eo yona e tla etsa dikgothaletso tse tla iswa ho monnga mosebetsi.
E le ho etsa bonnete ba hore tshebetso ena e a phethahala, mosebetsi e mong le e mong o lokela ho tseba ditokelo le mesebetsi ya hae jwalo ka ha e hlalositswe Molaong.
Molao wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e meraro wa Bophelo bo botle le Polokeho mesebetsing (Molao wa mashome a robedi a metso e mehlano wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e meraro) o na le dikarolo tse mashome a mahlano tse dumelletsweng ke Palamente. Sepheo ka molao ona ke ho hlokomela hore ho be le bophelo le polokeho ya basebetsi mesebetsing esita le ho sebedisa disebediswa le yona metjhini. Ho feta mona molao ona o ntse o bile o hlokomela polokeho ya batho ba hlahang ka lebaka kapa ka kamano le seo batho ba sebetsang ba se etsang.
Melawana e mengata e hlahang ka dihlooho tse ikgethileng e amohelwa le ho kenyeletswa Molaong ona ke Letona la Mesebetsi.
Molao kapa Melawana ena e ka rekwa Kgatisong ya Mmuso e le Koranta ya Mmuso kapa e le bukana e etswang ke dikgatiso tse fapaneng.
Molao wa Bophelo bo botle le Polokeho mesebetsing o laolwa ke Bolaodi bo phahameng ba Lefapha la Mesebetsi la Bophelo bo botle le Polokeho mesebetsing.
E le ho etsa bonnete ba hore ho na le bophelo bo botle le polokeho mesebetsing bakeng sa basebetsi, ho theilwe diofisi Porovenseng e nngwe le e nngwe. Ka lebaka lena, bahlahlobi ba bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ba tswang diofising tsena ba hlahloba le ho etsa diphuputso dibakeng tsa mesebetsi.
Dhlahlobo di rerwa ho latela dipalopalo tsa dikotsi tse hlahileng, ho ba teng ha dintho tse kotsi tse kang benzene moo ho hlatswetswang kapa tshebediso ya metjhini e kotsi dibakeng tse fapaneng tsa mesebetsi. Dihlahlobo tse sa rerwang tsa tshohanyetso le tsona ka lehlakoreng le leng le tsona hangata di etswa ka lebaka la kopo kapa ditletlebo tsa basebetsi kapa batho ka hara setjhaba se itseng. Ditletlebo le dikopo tsena di nkuwa e le sephiri mme di sebetswa ka lenyele.
Mohlahlobi a ka thibela ketso e itseng, tshebetso e itseng, kapa tshebediso ya motjhini kapa thepa e itseng ka ho sebedisa tsebiso ya thibelo ha ho bonahala hore ho tla hlaha kotsi. Ha ho motho ya ka iphapanyang se bolelwang tsebisong eo ya thibelo mme se bolelwang tsebisong eo ya thibelo se lokela ho phethahatswa ka potlako e kgolo.
Ha eba ho na le molawana o tlotsweng, mohlahlobi a ka sebedisa tsebiso ya tlolo ya molawana ho basebetsi kapa yena monnga mosebetsi. Tlolo ya Molao yona e ka qetella e bakile hore motho a tshwarwe empa ha eba molawana o tlotswe, monnga mosebetsi a ka fuwa monyetla wa ho lokisa phoso eo nakong e boletsweng tsebisong eo ya tlolo ya molawana eo hangata e yeng e be matsatsi a mashome a tsheletseng.
Ha eba mekgwa ya bophelo bo botle le polokeho eo monnga mosebetsi a e sebedisang e sa kgotsofatse bakeng sa ho baballa bophelo le polokeho ya basebetsi, mohlahlobi a ka batla hore monnga mosebetsi a ntlafatse ka ho sebedisa mekgwa e meng e lokileng. Tsebiso ena e bolelang se lokelang ho etswa esita le mekgwa e lokelang ho sebediswa, e tla fuwa monnga mosebetsi hore a sebetse ka yona.
E le ho thusa mohlahlobi ho ntshetsa pele mesebetsi ya hae, a ka fihla sebakeng sefe kapa sefe sa tshebetso moo ho sebediswang metjhini kapa dintho tse kotsi a hlokomedise kapa a laele hore batho ba etsang jwalo ba yo ikarabella ho yena. Mohlahlobi a ka laela hore tokomane e nngwe le e nngwe a e fuwe, a e hlahlobe, a e atise mme a batle le ditlhalosetso mabapi le se ngotsweng ditokomaneng tseo. Mohlahlobi a ka boela a hlahloba maemo afe kapa afe kapa hona ho nka mehlala ya matshwao a lefu mme a nke tokomane e nngwe le e nngwe e ka sebediswang e le bopaki.
Hlokomela: Matla ana a boletsweng a bahlahlobi ha se diqeto. Motho e mong le e mong ya sa dumeleng ka qeto e nkilweng ke mohlahlobi a ka ipiletsa kgahlano le qeto eo ka ho ngolla Mohlahlobi e moholo, Bophelo bo botle le Polokeho Mesebetsing, Lefapha la Mesebetsi, Mokotla wa Poraevete X117, Pretoria, 0001.
Ke eng seo monnga mosebetsi a lokelang ho se etsa e le ho etsa bonnete ba hore sebakeng seo ho sebetswang ho sona ho na le polokeho mme ha ho na dikotsi tse ka hlahelang basebetsi ba hae?
Monnga mosebetsi o lokela ho nehelana le ho baballa thepa e tshwanelang ho sebediswa ho phetha mosebetsi o itseng, le yona tataiso yohle ya ka moo mosebetsi o lokelang ho etswa ka yona le maemo a ke keng a ama bophelo le polokeho ya basebetsi hampe. Pele monnga mosebetsi a ka kgothaletsa tshebediso ya thepa ya boitshireletso, o lokela hore pele a tlose kapa a fokotse eng kapa eng e ka bang kotsi bophelong kapa boipolokong ba basebetsi. Monnga mosebetsi o lokela ho hlokomela hore a baballe bophelo le polokeho ya basebetsi ba hae kgahlano le kotsi e ka hlahang e ka bakwang ke tlhahiso, tshebetso, ho sebediswa, ho sebetsa ka dintho, ho boloka le ho tsamaisa thepa , ke ho re, ka mantswe a mang, ntho efe kapa efe eo basebetsi ba ka e sebedisang mosebetsing.
ho lemoha ha eba ho na le dintho tse ka bang kotsi nakong eo ho ntseng ho sebetswa, ha eba ho na le ntho e hlahiswang, e sebediswang, e bolokwang kapa e tsamaiswang kapa thepa efe kapa efe e sebediswang ho fumana mekgwa ya boitshireletso e tshwanelang hore e ka sebediswa bakeng sa ho baballa basebetsi ba hae kgahlano le kotsi e bonahalang mme a fane ka tsela ya ho sebedisa mekgwa ena a fane ka tsebo e hlokehang, ditaelo, kwetliso le taolo mme a ntse a ela hloko bokgoni ba basebetsi. Ka mantswe a mang seo ba ka se etsang le seo ba sa tshwanelang ho se etsa.
ho se dumelle motho mang kapa mang ho tswela pele ka mosebetsi ofe kapa ofe ha ese ha mekgwa ena ya boipaballo e hlokometswe hantle.
ho etsa boikgathatso ele ho etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong eo a mo laolang o ikobela se bolelwang Molaong ona ho laela hore mekgwa ya taolo e a sebediswa molemong wa bophelo bo botle le polokeho.
ho hlokomela hore mosebetsi o etswang le thepa e sebediswang e laolwa ke monnga mosebetsi ya kwetlisitsweng mme a tseba dikotsi tse ka hlahang mosebetsing monnga mosebetsi ya jwalo o lokela ho etsa bonnete ba hore mekgwa ya boipaballo e a sebediswa mme e a baballwa.
Monnga mosebetsi e mong le e mong o lokela ho hlokomela hore mosebeletsi e mong le e mong o na le tsebo mme o utlwsisa se bolelwang ka dikotsi tsa bophelo le boipaballo tse ka hlahang mosebetsing ofe kapa ofe o etswang, ntho efe kapa efe e hlahiswang, e sebediswang, e bolokwang, ka moo e sebediswang ka teng kapa e tsamaiswang ka teng kapa thepa efe kapa efe e sebediswang. Monnga mosebetsi o lokela ho ruta basebetsi ba hae ka mekgwa e ka sebediswang ho thibela dikotsi tsena.
Monnga mosebetsi o lokela ho tsebisa baemedi ba bophelo le polokeho ha mohlahlobi a mo tsebisa hore ho tla etswa dihlahlobo le diphuputso sebakeng sa hae sa mosebetsi. Monnga mosebetsi o lokela ho tsebisa baemedi ba bophelo le polokeho hape ka tshebediso ya dithibelo tse itseng kapa thibelo eo a e fuweng ho latela se bolelwang Molaong. Thibelo mona e bolela ho fuwa monyetla wa ho se tlole se bolelwang Molaong, melawaneng, ditsebisong kapa ditaelong tse hlahiswang ke Molao.
Monnga mosebetsi o lokela ho tsebisa baemedi ba bophelo le polokeho ka potlako ka ho ba teng ha ketsahalo e itseng sebakeng sa hae sa mosebetsi. Ka ketsahalo ena re bolela se ileng sa etsahala mme hona moo ha ba le motho ya bolawang, ya hlahang kotsi kapa ya kulang. Ho bolelwa hape ho qhalana ha khemikale e kotsi jwalo ka ha tanka ya formaldehyde e dutla (ke sehlahiswa sa khemikale se hlahiswang indasetering) ka lebaka la ho dutla ha sekwahelo kapa ha motjhini o sa sebetse hantle empa motjhini oo o sa ka wa bolaya kapa ho lematsa mang kapa mang?
dintho tsa bona di bolokehile mme ha di na kotsi bophelong mme di tsamelana le se hlokehang ha eba ho na le ntho e kenngwang sebakeng seo ho sebeletswang ho sona, e lokela ho etswa ka tsela e sa tlo hlahisa maemo a sa tsitsang kapa kotsi bophelong ba basebetsi.
tshebediso ya ntho mosebetsing kotsi e ka hlahang bophelong kapa polokehong e amanang le tshebediso ya ntho eo maemo a hlokehang ho etsa bonnete ba hore ntho eo e sebediswa hantle mme e ke ke ya ba kotsi bophelong ha eba e sebediswa hantle ka nepo tsela ya tshebetso ha kotsi e se e hlahile.
Ha eba motho eo ntho e itseng a e rekiseditsweng kapa a e fuweng, a itlama ka ho ngola le ho nka mehato e le ho etsa bonnete ba hore ntho eo e tla sebediswa hantle mme e tla bolokeha mme e ke ke ya hlahisa kotsi bophelong, mesebetsi ya ba amohelang thepa e rometsweng, bataki, morekisi, motshehetsi kapa mohlahisi e tla fetolelwa qetellong ho ba ya motho ya itlamang ho nka mehato ena.
hlokomela hore bophelong ba hae bo bolokehile hantle esita le bophelo ba batho ba bang ba ka tshwaetswang ke diketso tsa hae kapa ho se be le boikarabelo ba hae. Hona ho akaretsa ho bapala mosebetsing. Batho ba bangata ba tswile dikotsi mme ba bang ba bile ba hlokahetse ka lebaka la ho bapala mosebetsing mme hona ho nkuwa e le tlolo e kgolo ya molao.
ha Molao o tlama mosebeletsi ho phetha mosebetsi le ho sebedisana hantle le monnga mosebetsi tsebisa mohlahlobi wa Lefapha la Mesebetsi ha eba ho hlokeha jwalo ho phethahatsa taolo ya molao ya monnga mosebetsi kapa motho ya nang le tokelo e jwalo e beilweng ho latela bophelo bo botle le polokeho ho ikamahanya le melawana le ditsela tsa tshebetso tseo a di fuwang ke monnga mosebetsi ho apara meaparo ya polokeho kapa ho sebedisa thepa e tshwanelang ya boipoloko moo ho hlokehang jwalo ho tsebisa ka potla e kgolo ha eba ho na le maemo a hlobaetsang bakeng sa monnga mosebetsi kapa moemedi wa bophelo le polokeho ha eba yena ka boyena a bile le seabo ketsahalong e ka amang bophelo ba hae kapa ya baka hore a lemale, o lokela ho tsebisa monnga mosebetsi, motho ya nang le tokelo e jwalo kapa moemedi wa bophelo le polokeho ka potlako e kgolo ka tsietsi eo pele a tjhaisa tjhafong eo a e sebetsang.
Mosebetsi a ka kopa hore ngaka ya hae ya lelapa e ke e hlahlobe direkoto tsa maemo a bophelo mabapi le tshebediso ya meriana.
Ha eba mosebetsi e le moemed wa bophelo bo botle le polokeho, a ka tsamaya hammoho le mohlahlobi wa b ophelo le polokeho ho tswa Lefapheng la Mesebetsi nakong ya dihlahlobo tsa dibaka tseo ho sebeletswang ho tsona le ho arab a potso efe kapa efe e ka botswang mohlahlobi.
Mosebetsi a ka hlahisa maikutlo kapa a etsa dipapiso mabapi le molawana ofe kapa ofe kapa maemo a polokeho a phatlalatswang e le karolo ya Molao wa Bophelo bo botle le Polokeho.
mosebetsi o entse ntho eo ho latela Molao e neng e lokela ho etswa mosebetsi ha a etsa ntho eo ho latela Molao e thibetsweng hore e etswe mosebetsi o fane ka bopaki ka pela lekgotla la dinyewe kapa Lekgotla la Mesebetsi ka ditaba tse amang bophelo le polokeho.
Mosebetsi a ka hlahisa boipiletso ba hae kgahlano le qeto ya mohlahlobi. Boipiletso bo lokela ho romelwa ka lengolo ho Mohlahlobi e Moholo, Bophelo bo botle le Polokeho, lefapha la Mesebetsi, Mokotla wa Poraevete X117, Pretoria, 0001.
Ha ho motho ya nang le tokelo ya ho sitisa kapa a sebedisa hampe ntho efe kapa efe e sebedisetswang bophelo le polokeho. Motho o lokela hore, ha re tea mohlala, a se ke a tlola ntho e mo tshireletsang ha a sebetsa ka motjhini mme ebe o sebetsa ka motjhini oo kapa a dumelle motho ofe kapa ofe hore a sebetse ka motjhini oo a sa sebedise setshireletsa seo.
Ke basebetsi ba nako tsohle ba thontsweng le ho kgethwa ka ho ngola ke monnga mosebetsi ka mora hoba monnga mosebetsi ole basebetsi ba tsebisane mme ba fihlelle tumellano ka hore ke bomang ba tla ba baemedi ba bophelo le polokeho. Ho feta mona ba lokela hore bonyane ba be le tsebo ka maemo a karolo ya sebaka seo se ba sebeletsang ho sona e leng seo ba se kgethetsweng. Tumellano eo e lokela ho etswa nakong ya tshebetso ya ofisi le mesebetsi ya moemedi wa bophelo le polokeho mme e lokela ho etswa pakeng tsa monnga mosebetsi le basebetsi.
Ho lokela ho kgethwa moemedi a lemong bakeng sa sebaka sa tshebetso ka seng se nang le basebetsi ba mashome a mabedi kapa ho feta. Ka lebaka le jwalo, ha eba ho na le basebetsi ba leshome le metso e robong, ha ho hlokehe hore ho kgethwe moemedi sebakeng seo.
Malebana le mabenkele le diofisi, ho lokela ho kgethwa moemedi a le mong bakeng sa basebetsi ba bang le ba bang ba lekgolo kapa karolo ya bona. Ha re tea ka mohlala, ho lokela ho kgethwa moemedi a le mong ha eba ho na le basebetsi ba mashome a mebedi a motso o mong ho isa ba lekgolo. Le ha ho le jwalo, ho lokela ho kgethwa baemedi ba babedi ha eba palo ya basebetsi ba amohetsweng mosebetsing e tloha ho lekgolo le nang le motso o le mong ho isa ho makgolo a mabedi, jwalojwalo.
Malebana le dibaka tse ding tsa mosebetsi ho ka kgethwa moemedi a le mong bakeng sa basebetsi ba bang le ba bang ba mashome a mahlano kapa karolo ya bona. Ha re tea ka mohlala re fuman hore moemedi a le mong o lokela ho kgethwa bakeng sa basebetsi ba mashome a mabedi a motso o mong ho isa ho ba mashome a mahlano. Le ha ho le jwalo, ho lokela ho kgethwa baemedi ba moo ho nang le basebetsi ba mashome a mahlano a motso o mong ho isa ho ba lekgolo.
Ha e le ha maemo a tlama jwalo mohlahlobi a ka kopa hore ho kgethwe bamedi ba babedi le ha palo ya basebetsi e le ka tlase ho mashome a mabedi. Ha re tea ka mohlala, ho ka etsahala hore sebopeho sa tshebetso se be ka tsela eo ho kgethwa ha moemedi a le mong feela bakeng sa basebetsi ba mashome a mahlano ho sa lekanang. Mohlahlobi a ka kopa he hore ho amohelwe baemedi ba bang ba bangata. Le ha ho le jwalo, ha monnga mosebetsi le basebetsi ba dumela jwalo, ho ka kgethwa baemedi ba fetang palo e lebeletsweng.
Ho lokela hore ho kgethwe baemedi ba bophelo le polokeho neng?
Ho lokela ho kgethwa baemedi ba nakong ya dikgwedi tse nne kgwebo ya monnga mosebetsi e qadile. Monnga mosebetsi ya nang le palo ya basebetsi ba mashome a mabedi mme kgwebo ya hae e sebetsa nako e ka tlase ho dikgwedi tse nne, ha a lokela ho ba le baemedi. Ha eba ka mohlomong ha re tea ka mohlala re fumana hore ho amohelwa basebetsi ba dinako tse itseng polasing mme ba etsa hore palo ya basebetsi e ngatafale ho feta mashome a mabedi empa e le nakong e ka tlase ho dikgwedi tse nne, ha ho a tshwanelwa ho kgetha baemedi.
Baemedi ba ka lemoha kotsi e ka nnang ya hlaha mme ba e tsebahatsa ho komiti ya bophelo bo botle le polokeho kapa ho monnga mosebetsi.
Bamedi hammoho le monnga mosebetsi ba ka hlahloba diketsahalo, ba hlahloba ditletlebo tsa basebetsi malebana le ditaba tse amang bophelo le polokeho mme ba di tsebahatsa ka tsela ya mangolo.
Bamedi ba ka emela polokeho ya basebetsi ho monnga mosebetsi kap ho komiti ya bophelo le polokeho kapa ha eba bomedi boo bo sa sebetse hantle ba ke ba le boemedi ho mohlahlobi.
hlahloba sebaka seo ho sebeletswang ho sona ka mora hoba ba tsebise monnga mosebetsi hore ba tla etsa dihlahlobo tse jwalo ba ka ba le seabo dipuisanong le bahlahlobi sebakeng seo ho sebeletswang ho sona kapa ba etsa dihlahlobo tse jwalo hammoho le bahlahlobi.
Ditho di kopana ho thakgola, ho ntshetsa pele, ho baballa le ho lekola mekgwa e sebediswang ho etsa bonnete ba hore bophelo le polokeho ya basebetsi e ba teng.
Dikomiti tsa bophelo bo botle le polokeho di lokela ho thehwa neng?
Ho lokela hore bonyane ho thehwe komiti e le nngwe ha ho amohetswe baemedi ba babedi kapa ho feta.
Komiti ya bophelo le polokeho e na le ditho tse kae ka palo?
ha eba ho na le komiti e le nngwe e thehilweng bakeng sa sebaka se itseng sa mosebetsi, baemedi bohle e lokela ho ba ditho tsa komiti eo ha eba ho thehilwe dikomiti tse pedi kapa ho feta bakeng sa sebaka se le seng sa tshebetso, moemedi e mong le e mong o lokela hore bonyane e be setho sa e nngwe ya dikomiti tseo.
Ka tsela e jwalo, moemedi e mong le e mong e lokela ho ba setho sa komiti. Monnga mosebetsi a ka thonya batho ba bang ho mo emela komiting empa batho bao ba thontsweng ke monnga mosebetsi ha ba tshwanela ho feta palo ya baemedi ba kgethilweng komiting eo. Ha eba mohlahlobi a utlwisisa hore palo ya dikomiti sebakeng seo ho sebetswang ho sona ha e a lekana, a ka nna a laela hore ho thehwe dikomiti tse ding tsa tlatsetso.
Baemedi ba bophelo le polokeho ba kopana makgetlo a makae?
Ba kopana ha eba ho na le lebaka le qosang hore ba etse jwalo, empa ba lokela hore bonyane ba kopane dikgweidng tse ding le tse ding tse tharo. Komiti e tla kgetha nako le sebaka bakengsa kopano. Le ha ho le jwalo, ha eba palo e ka bang diphesente tse leshome ya basebetsi e kopa mohlahlobi hore ho be le kopano, mohlahlobi a ka laela hore kopano e jwalo e be teng ka nako esita le sebakeng seo yena a tla se kgetha.
Ke mang ya laolang tsamaiso nakong ya dikopano?
Ditho tsa komiti di kgetha modulasetulo mme di hlalosa nako eo a tla e sebetsa ya ofisi, mekgwa ya tsamaiso ya dikopano, jwalojwalo.
Na dikomiti tsa bophelo le polokeho di ka kopa keletso ho ditsebi?
E, dikomiti di ka kenyeletsa batho ba itseg hore ba sebetse jwalo ka baeletsi mme e le ditho tse nang le boitsebelo bo phahameng malebana le ditaba tsa bophelo le polokeho. Le ha ho le jwalo, setho sa boeletsi ha se na tokelo ya ho vouta.
Ke eng se etswang ke dikomiti tsa bophelo le polokeho?
Dikomiti di sebetsana feela le ditaba tsa bophelo le polokeho sebakeng sa tshebetso kapa karolo ya sona e leng seo dikomiti tseo di se kgethetsweng.
Komiti e lokela ho etsa dikgothaletso ho monnga mosebetsi malebana le ditaba tsa bophelo le polokehoya basebetsi. Ha eba dikothaletso tsena di sa thuse bakeng sa ho rarolla bothata, dikomiti di ka etsa dikgothaletso mme tsa di lebisa ho mohlahlobi.
Komiti e lokela ho buisana ka ketsahalo efe kapa efe e bakang hore batho ba tswe dikotsi, ho kula, kapa lefu ho mosebetsi ofe kapa ofe mme ba ka tsebisa mohlahlobi ka taba tsena ka lengolo.
Komiti e lokela ho boloka direkoto tsa dikgothaletso ho monnga mosebetsi esita le pehelo efe kapa efe ho mohlahlobi.
Ditho tsa komiti di lokela ho etsa mesebetsi efe kapa efe eo ba lokelang ho e etsa ho latela molawana.
Monnga mosebetsi ha a lokele ho fokotsa moputso wa mosebetsi malebana le seo a lokelang ho se etsa molemong wa bophelo le polokeho le ho latela Molao.
Ha eba ngaka e hlahlobile mosebetsi kapa e mo alafa bakeng sa bolwetse boo a nahanang hore bo qadile hona moo sebekang seo mosebetsi a sebetsang ho sona, ngaka eo e lokela ho etsa pehelo e lebiswang ho monnga mosebetsi esita le ho Mohlahlobi e Moholo.
Bannga ba mesebetsi le basebetsi ba lokela ho ikobela ditaelo, dikahlolo, dikopo le dikgalemelo tse tswang ho bahlahlobi. Ho feta moo, ha ho motho mang kapa mang ya lokelang ho thibela e mong ho ikobela tsena tse boletsweng.
Dipotso tsa mohlahlobi di lokela ho arajwa empa ha ho motho ofe kapa ofe ya tlamellwang ho araba potso ka tsela e tla mo etsa hore e be o molato ka ho etsa jwalo.
Ha mohlahlobi a batla jwalo, o lokela ho thuswa ka tse hlokehang kapa a thuswe ka tsela e nngwe e itseng bakeng sa ho etsa diphuputso. Mohlahlobi a ka kopa hape hore batho ba tle diphuputsong tsa hae. Ha ho motho ya dumellwang ho halefisa mohlahlobi kapa a leka ho mo thibela diphuputsong tsa hae.
ha a ka a fana ka tumello e jwalo o entse mekutu yohle ho thibela taba eo mosebetsi ha a ka a sebetsa ka tsebo ya hae, ka mantswe a mang, mosebetsi o entse seo a tsebang hantle hore ha a tshwanela ho se etsa.
Taba ena e ama hape tumello ya monnga mosebetsi ha ka mohlomong re tea ka mohlala, rakontraka e monyenyane o lokela ho botsisisa. Bobedi ba bona ba lokela ho dumellana ka ho ngola tumellano ya bona fatshe hore na tumello eo e tla phethahatswa jwang ho latela Molao.
<fn>sot_Article_National Language Services_SEPHUTHELWANA SA (1).txt</fn>
Mmuso wa selehae o na le kabelo ya bohlokwa mosebetsing wa ntshetsopele ya Afrika Borwa. Mosebetsi wa phetoho wa ho theha bomasepala ba hlokang kgethollo ya botjhaba le ba sebetsang ke mohato wa lewa la bohlokwa o thusang mmuso wa selehae hore o kgone ho phetha mosebetsi wa ona.
mosebetsi wa ho tlisa demokrasi hape o ileng wa tswala bomasepala ba nang le bokamoso bo botle ho feta tshebetsong; le ho nehelana ka moralo o motjha wa molao wa mmuso wa selehae ka ho thakgola Molao wa Makgotla a Bomasepala le Molao wa Tshebetso ya Bomasepala.
Ha ho ne ho tshwerwe dikgetho tsa mmuso wa selehae ka la 5 Tshitwe 2000 ke ha mohato wa mmuso wa nakwana o fihla pheletsong mme moralo wa mmuso wa selehae o ne o kgona hore o kene tshebetsong jwale mme o simolle ho sebeletsa motheong o tsitsitseng.
Moralowa ntshetsopele o kopanetsweng ke se seng sa disebediswa tsa bohlokwa tsa mmuso wa selehae hore o kgone ho phethahatsa seabo sa ona se setjha sa ntshetsopele. Moralo wa ntshetsopele ho fapana le kabelo ya ona ya ho rala nakong e fetileng, jwale o bonwa e le mosebetsi wa tsamaiso ya masepala, e le karolo ya moralo o kopantsweng wa ntshetsopele le ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hopoletswe hore ka ona ho tle ho fihlelwe diqeto ditabeng tse kang tsa ditekanyetso tsa bomasepala, tsamaiso ya mobu, papatso ya ntshetsopele ya selehae ya moruo le ho tlisa phetoho makaleng a tshebetso a teng ka mokgwa wa lewa la ditherisano, le o latelanang hantle.
Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele, le ha ho le jwalo, e keke ya fana ka lesedi feela tsamaisong ya masepala, ebile e tshwanetse hore e tataise mesebetsi ya boemedi bofe kapa bofe bo tswang mahlakoreng a mang a mmuso, ba nehelanang ka tshebeletso ya mokgatlo o le mong, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso le lekala la poraefete kahare ho sebaka sa masepala.
Nakong e fetileng ya ofisi, balaodi ba selehae ba bangata ba nakwana ba ne ba se ba ntse ba ikakgetse mosebetsing wa ho lokisetsa Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele (bongata ba balaodi ba feletse feela tlhophisong ya di-LDO). Mosebetsi ona o ile wa etswa tlasa maemo a boima. Nakanong eo moralo wa molao o phethahetseng o ne o eso ka o ba teng. Makgotla a Taolo ya selehae a mangata (ka ho qoholeha Makgotla a Nakwana a Boemedi) a ne a se na bokgoni ba ho tsamaisa mosebetsi o jwalo wa ho rala. Ho na ho se na mekgwa ya ho rala e ileng ya lekwa pele mme ho ne ho hlokeha mananeo a phethahetseng le a latelanang hantle a thupelo. Le ha ho le jwalo bohle ba ileng ba ameha mosebetsing wa ka nako e fetileng wa MNK ba ile ba feta le thutong ya bohlokwa haholo. Makgotla a Taolo a seng makaenyana a ne a se a le tseleng e lebileng motheong ya meralo ya tshebetso e thusang ho ntlafatsa phethahatso ya merero le mananeo.
Sephuthelwana sena se setjha sa Tataiso ya MNK, se ntseditsweng pele ke moifo wa mosebetsi o ikgethang ho DPLG ka tshehetso e tswang ho GTZ, se nehelana ka tshebetso e seng e fetile tekong ya mokgwatshebetso le tsamaiso ya phethahatso ka moralo o amohelehang hantle ho basebedisi. Se kenyeletsa le dithuto tse fumanehileng mokgweng o fetileng wa tshebetso wa MNK.
Ho na le lenaneo la thupelo le akaretsang naha le akaretsang batho bohle ba tswang makgotleng a bomasepala kaofela le reretsweng batsamaisi ba bomasepala, bahlanka ba thekniki, dikhanselara le bahlanka ba profeshenale ba ralang.
Mokgwa wa tshehetso o akaretsang naha bakeng sa bomasepala ba selehae (PIMSS) o thehwa ka tshehetso ya ditsha tsa boemo ba setereke jwalo ka karolo eo eleng ya bohlokwa.
Palo e kgolo ya bomasepala, SALGA, mafapha a provense a mmuso wa selehae le lethathama la dikarolo tsa mafapha a naha kaofela ke dikarolo tse ileng tsa ameha mosebetsing o ileng wa tswala Sephuthelwana sena se setjha sa Tataiso ya MNK. Ke na le tshepo e phethahetseng ka lebaka lena, hore kgatiso ena e tla ba tataiso ya bohlokwa le mohlodi wa kgothalo bakeng sa bohle ba amehang mosebetsing wa MNKmekutung yohle ya bona ya ho etsa MNK sesebediswa sa ho sebetsana le ditlhoko tsa kahisano le tsa moruo tjhabeng tsa rona ka moralo o sebetsang ho feta.
E fana ka tataiso ya mantlha ya sepheo, dikahare, tshebetso le dikarolo tsa mokgatlo tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tataiso, ntle le ho nehelana ka tlhaloso ya Mekgwa ya Molao ya Masepala, e tlola bonyane ba ditlhoko tse lokodisitsweng ke Molao.
E fana ka thuso ya ka moo ho ralwang mosebetsi wa ho rala ka teng. E toboketsa ka matla tlhakiso ya mesebetsi le boikarabelo, hodima ditlhophiseletso tsa tlhophiso le nyalanyo ya tshebetso ya moralo maemong a fapafapaneng.
sephetho se hlokehang (Eng); le tsela tsa tshebetso tse laeletswang (Jwang) le dikarolo tsa mokgatlo (Mang)?
E fana ka disebediswa kapa maqiti a fapaneng a ho rala bakeng sa moralo wa bohlokwa wa mesebetsi le dikeletso tsa ka moo disebediswa di ka sebediswang ka teng.
E fana ka tataiso ya ka moo ho ka amanngwang tataiso tse akaretsang tsa leano (tse sa tsepamiswang tsa MNK) kapa maano a karolo le tshebetso ya MNK.
lehokela la phethahatso ya moralo.
Disebediswa tsa tlhokomelo le tsamaiso ya katleho.
Ha Meralo ya Ntshetsopele o Kopantsweng e ne e etswa tlhoko ya molao bakeng sa bomasepala ho Molao wa Mmuso wa Selehae wa Nakwana/Tokiso ya Bobedi ya , kutlwisiso ya bomasepala boemong ba leano e ne e hlile e haella haholo. Ho feta mona, ditlhoko tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di tsholohela kapa di namela ka tsela e itseng ho ditlhoko tsa moralo tsa Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Selehae ho latela ka moo e thehilweng ka teng ke Molao wa Thuso ya Ntshetsopele wa 1995. Metheo ya Molao wa Thuso wa Ntshetsopele e nehelane ka moralo wa leano wa bohlokwa mabapi le ntshetsopele ya moralo ya lehlakore la sebaka, empa eseng ho feta.
Dikarolo tsa bohlokwa tsa leano, molao le moralo wa mokgwa o latelwang bakeng sa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di ile tsa thehwa ka morao ho tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (e neng e hoketswe mmoho le Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha) e ne e se e qadilwe. Tsena tsohle di fuperwe ke Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae (PTPS ya Tlhakubele 1998) mme jwalo ka moalo wa leano le akaretsang, Bili ya Mekgwa ya Masepala (BMM), e ileng ya fetoha Molao ka 2000, le Bukana ya Tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ya (Loetse 1998).
Netefatso e utlwahalang ya moelelo wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ntshetsopele ya puso ya selehae?
tshebedisano maemong a mang a mmuso; le tshebedisano ya ponaletso dipakeng tsa bomasepala le batho ba dulang moo, ho latela motheo wa boikarabelo.
Lenane la metheo ya leano leo Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lebeletsweng hore o le latele, jwalo ka tshekamelo ya ditlhoko tsa mantlha, phediso ya bofutsana le poloko ya tikoloho bakeng sa dinako tsohle.
Lenane la tataiso ya mokgwa o latelwang ho kenyeleditswe tlhotlhomiso ya dintho ho latela bohlokwa ba tsona, tsepamiso ya lewa, tshebetso e tla nne e eketswe, moralo wa nako e bohareng le mokgwatshebetso wa dikarolo tse tse ngata.
mabapi le tshebetso ya mokgwatshebetso wa moralo wa o kopantsweng wa ntshetsopele..
Ho hlaloswa mosebetsi wa moralo wa masepala ka hare ho moelelo o phethahetseng wa kopanelo ya puso. Kgaolong ya pele Seabo sa Setjhaba Molao wa Melao ya Mekgwa ya Masepala e hlalosa metheo, ditsela, ditshebetso le mehato eo setjhaba se ka bang le seabo mosebetsing ona ka teng eleng ntho e amang , hara tse ding, tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng?
Ditokomane tse ding tse ileng tsa tswalwa ke Tokomane e Tshweu e itshetlehileng Pusong ya Selehae di amana ka tsela e sa tobang hantle le Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Molao wa Tsheho ya Meedi ya Bomasepala o ile wa tla ka tshebetso e ntjha ya ho kgaohanya dibaka e ileng ya tswala phokotseho e kgolo ya palo ya bomasepala ba baholwanyane ebile ba le boemong bo betere ho feta ho ka ba dikarolo tsa puso ya selehae tse sebetsang hantle. Molao wa Metheo ya Bomasepala o fa bomasepala ba setereke mosebetsi o moholwanyane tshehetsong ya bomasepala ba selehae ha ho etswa MNK.
Bukana ya tataiso ya Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng e leka ho nehelana ka tataiso e nang le mokgwa o latelwang hantle ho bohle ba amehang mosebetsing wa ntshetsopele e kopantsweng ya ntshetsopele e le ho ba etsa hore ba kgone ho etsa mosebetsi ona o motjha. E fana ka mokgwatshebetso wa kgato e nngwe le e nngwe ka tatelano ya disebediswa tsa ho rala. E fapana le ditokomane tsa moralo wa leano le wa molao, ha e laele hore ho etswe jwang, mme e na le sebopeho sa ho fana ka bokgoni. E sebetsa jwalo ka motheo wa dithuto tsa thupelo le wa tshebeletso ya lesedi le ya keletso. E dula e fetolakwa e le ha ho itshetlehilwe ka boiphihlelo le tsebo e ntjha.
Jwalo ka bongata ba tshebetso tsa Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha le ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di ile tsa simolla pele Moralo ona o motjha oo eleng hona o hlahelang o qalwa, boleng ba tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le diphetho e ne e ile ya susumetswe ka mokgwa o itseng o seng mokae ke Moralo.
Ho bomasepala ba bangata tshebetso tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa tsona, ditokomane tsa moralo, di ile tsa haellwa ke ditlhoko tsa mantlha tsa moralo o kopantsweng le lewa la moralo wa ntshetsopele. Tshebetso ena e bakile moferefere o moholo mme ka dinako tse ding e bakile pherekano ho ba amehang.
Ho e na le hore e sebediswe jwalo ka sesebediswa se sebetsanang le ditaba tseo eleng tsona tsa baahi ba moo le setjhaba ka moralo wa leano, le wa ntshetsopele ha mmoho le wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong, bomasepala ba bangata ba sebeditse ho feta ho kgotsofatsa feela ditlhoko tsa molao ka dikhonsaltente tsa bona ho latela moralo wa thibelo. Ka lebaka lena sephetho hangata se ne se lokodisa ditlhoko tse ngata tse hlokang nnete tsa ditshisinyo tsa boipolokelo le meralo e seng mekaenyana ya mofuta o itseng.
Dikgaello tsena di ka nkuwa ka tsela e itseng e le kgaello tsa bokgoni pusong ya selehae, mekgwa e latelwang e tswakatswakaneng haholo e ka nnang ya kgothaletsa mokgwatshebetso wa moralo ya thibelo le tlhokeho ya mekgwa e nepahetseng ya tshehetso e ileng ya qobella bomasepala ba bangata ho itshetleha ho dikhonsaltente. Ho feta mona, tshebetso ya tlhophiso ya motheo ya puso ya seleha ya nakwana e ne e le dintho tse ntjha ho bohle ba amehang. Dikgaello tse ngata, le ha ho le jwalo, di amana le tlhokeho ya moralo o hlakileng wa leano. Molao wa nakwana le pherekano ka Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha ha mmoho le Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele ebile tse ding tsa ntho tse bakileng mathata e le nnete. Dikgaello tse ding tse amanang le leano, jwalo ka ha ho hlalositswe mona ka tlase, di sa ntsane di rarollwa.
Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng se ne e se sa hlaka hantle: taolong tse ding tsa selehae se ne se hlakile, ka lebaka la kgokahano ya bona e haufi le Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha, moo sepheo se neng se utlwisiswa e le tlhokeho e ikgethang ya moralo wa sebaka; taolong tse ding se ne se nkuwa e le tsela e kenyeletsang batho ho feta ya hore ho etswe letoto la merero ya diprojeke tsa boipolokeho bakeng sa hore ho tle ho fumanwe boraditjhelete ba kantle. Ha ho moo e ne e bonwa jwalo ka tshebetso e kgolo ya masepala ya ho aba mehlodi e teng le kgonehang mabapi le ntshetsopele ya mawa le tokodiso ya merero ho latela bohlokwa ba yona.
Ka lebaka leo sephetho sa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele hangata e ne e se ntho e fetang letoto la dihlooho tsa merero ya diprojeke tse hlokang qaqiso le tse hlokang leano la phethahatso. Ho ne ho se na bopaki ditokomaneng tse ngata tsa ho rala hore tataiso ya ntshetsopele ya leano kaofela jwalo ka phediso ya bofutsana, kgolo ya moruo kapa ntshetsopele ya tikoloho ka dinako tsohle di ile tsa nkelwa hloohong.
Ho ne ho se na mohato o hlakileng le oo ho dumellanweng ka ona bakeng sa ho hokanya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le moralo wa mahlakore a mang a mmuso le moralo wa dikarolo tse ding. Ka mantswe a mang, moralo wa masepala o lokela hore e be karolo ya mokgwa wa moralo ka hara mafapha a mmuso o e song ho be teng ha jwale. Ha ho na le ha e le tlhakiso e lekaneng e tla thusa bomasepala ho rarolla pherekano ya ditlhoko tse ngatangata tsa molao.
Ho ne ho se na tlhaloso e hlakileng ka MNK tsa bomasepala ba selehae le ba setereke e lokelang ho kopanngwa ka teng (ntle le hore e lokela hore e etswe ka nako e le nngwe le hore e be le kgokahano). Ka lebaka leo bomasepala ba selehae le bomasepala ba setereke ba ile ba etsa meralo ya bona ka ho phatlalla ntle le ho tsebisana, kapa bamasepala ba selehae ba ile ba emela ditereke.
Ho ne ho se na kgopolo e hlakileng le e utlwahalang e amanang le kabelano ya mesebetsi le boikarabelo ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ditlhaloso tse hlokang moelelo le tse bontshang ho hahamalla ho hong tse neng di re bomasepala ka bobona e lokela hore e be beng le batsamaisi ba tshebetso di ne di sa lokela bakeng sa balaodi ba selehae ba hlokang bokgoni ba profeshenale. Ka lebaka la kgaello ya tataiso tabeng ya kabelano ya mesebetsi le boikarabelo ka tsela e utlwahalang le e qoholehileng ho feta, batsamaisi ba bomasepala ba ne ba sekametse ho ntshetsa ntle boikarabelo kaofela ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Ka tsela e loketseng taba ya mokgwa wa tshehetso o loketseng bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ha e a arabuwa. Ntle le tataiso e itseng ya tlhophiso e swang diprovenseng, dikhonsaltente tsa moralo e ne e le wona feela mookgwa o fihlelehang wa tshehetso.
Ke dintho tse lesitsweng ho dikhonsaltente tsa boemo ba thekniki. Ha di a tsitsa boemong ba leano.
Le ha kananelo ya Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha e ile ya rarollwa ke Molao wa Thuso ya Ntshetsopele, ho ne ho sa hlaka hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hore o hlahlojwa ka motheo ofe le ho ananelwa jwang.
Boemo ba molao ba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng bo hloka tlhakiso e fetang mona.
Ntle le ha ditaba tsa leano la bohlokwa le jwalo di hlakisitswe, mekutu yohle mahlakoreng a kaho ya bokgoni, ho thehwa ha mekgwa ya tshehetso le ho tjhoriswa ha mekgwa ya ho rala di tla ba le tshusumetso e seng kaenyana feela bolengng ya tshebetso tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le diphetho tsa teng tsa ntshetsopele.
Ho na le lengopehadi le bonahalang le le teng pakeng tsa moralo o batsi wa leano la Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae le bonyane ba tlhoko tse hlalositsweng ke Molao wa Mekgwa ya Masepala ka lehlakoreng le leng, le moralo wa mekgwa e qoholehileng ya ho rala jwalo ka ha e qaqisitswe ke Bukana ya tataiso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ka lehlakoreng le leng. Sekgeo sena se lokela ho kwalwa ho etsa hore puso ya selehae e kgone ho sebedisa hantle moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le sesebediswa.
Sepheo ka tataiso tsena ke ho tiisa hore baamehi kaofela tshebetsong ena ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (ho kenyeleditswe le barupedi le batho ba profeshenale ba amehang ntshetsopeleng ya disebediswa le ho etsa melawana) ba utlwisisa sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ntho ena e tla ba thusa ho fihlela diqeto tsa lewa le tse utlwahalang tse amanang le ditaba tsa bohlokwa tsa batho ka moralo wa ditherisano le o kopantsweng, le ho phethahatsa mehato ya tharollo ya mathata ka potlako ho feta le ka mokgwa o tshwanetseng ho feta.
Tataiso tsena ke ditlhoko tse ding tsa pele ho tse nne tsa bohlokwa bakeng sa ho etsa hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e be sesebediswa sa bohlokwa ho feta ntshetsopeleng ya mmuso wa selehae. Tataiso tse ding ke: Ntshetsopele ya mokgwa o latelwang; tlhophiso ya mananeo a thupelo; le ho thehwa ha mokgwa wa tshehetso.
Dikarolo tse hlokang tataiso e nngwe ya leano ho feta mona di amanngwa le dikgaello tse lokodisitsweng ka hodimo.
Kgaolo ya 2: Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala.
Kgaolo ya 5: Nyalanyo ya ditlhoko tsa mokgwa wa karolo le moralo o kopantsweng wa ntshetsopele.
Kgaolo ya 6: Kgokanyo ya mesebetsi ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le bomasepala ba setereke le bomasepala ba selehae.
Kgaolo ya 7: Ditlhophiseletso tsa tlhophiso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng kahare ho masepala.
Kgaolo ya 8: Mekgwa ya Tshehetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala.
Kgaolo ya 9: Moralo wa Tshebetso le mekgwa o lokelang ho latelwa.
Kgaolo ya 10: Seabo sa setjhaba Moralong o kopantsweng wa ntshetsopele.
Kgaolo ya 11: Tlhahlobo le kananelo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Kgaolo ya 12: Boemo ba molao wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Dibaka tsena di ile tsa pepesetswa tlhophollo e neng e lekwa feela nakong ya tshebetso ya tlhahlobo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tse ding tsa tsona di ile tsa lekolwa ka botebo ka dipatlisiso tsa diphuputso tse ikgethang tsa leano.
Tataiso di etsetswa ho fana ka tataiso le tsela e loketseng moo ho hlokehang. Di feta ditlhoko tsa molao. Sepheo ke ho etsa hore baamehi ba nang le boikarabelo ba kgone ho sebedisa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ntshetsopele sa mmuso wa selehae.
Tenyehetso: Tataiso tsena di tla fana ka monyetlwa wa mehato ya boithuto le hore di ka kenyeletswa bakeng sa ntlafatso moralong le ditshebetsong tsa tsamaiso.ya moralo wa tshebetso o tla kgothaletsa phapano ya mekgwa ya ho rala, ho latela phapano e teng ya dinnete tse fumanehang bathong ba selehae ba bomasepala ba Afrika Borwa.
Tshwano e nyenyane: Tataiso tsena di lokela ho fumana tekano dipakeng tsa sebaka seo ho nehelanweng ka sona bakeng sa tenyetseho kahare ho sebopeho sa yona le ho notla sebaka ho etsa bonnete ba hore ho na le tumellano e fihletsweng, melao e tshwanang le puo e tshwanang ka MORALO o itseng. Tshwano moralong wa bomasepala e fumanwa ka ditokelo tsa batho tse lekanang tsa demokrasi setjhabeng sa bona, le ka tlhokeho ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho bopa karolo ya moralo wa ho rala o akaretsang naha ka bophara, e leng ntho e hlokang tshebedisano e ntle dipakeng tsa dikarolo tse tharo tsa mmuso.
Ditlhoko tse fihlelehang tsa ho rala: Tataiso di lokela boloka ditlhoko tsa ho rala di le tlase le ho kgothaletsa thuo ya selehae ka ho boloka ditlhoko tsa moralo di le bonolo ka hohle ka moo ho kgonehang, ho nkeletswe hloohong mehlodi e haellang le bokgoni ba moifo wa tshebetso ho bomasepala ba bangata. Le ha ho le jwalo, tataiso tsena di tla lokela ho nkella hloohong hore moralo o itseng wa boleng o a hlokeha ho qoba taba ya ho senya tjhelete ka dipolokelo tse sa lokelang. Ho loketse hore mekgwa ya ho rala e ka nna ya lokela ho fapana dipakeng tsa Mokgahlelo wa A (metse ya diteropong) le Mokgahlelong wa C (seterekeng) le balaoding ba selehae ka lehlakoreng le leng, le Mokgahlelo wa B (bomasepala ba selehae) ka lehlakoreng le leng.
Tshekamelo ya Ntshetsopele: Mmuso wa selehae o tswelang pele, ho latela Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae, ke mmuso wa selehae o tsitlalletseng ho sebetsa le baahi le dihlopha tsa kahare ho setjhaba ho fumana mekgwa ya ho finyella ditlhoko tsa baahi, tsa ekhonomi le tse ding le ho ntlafatsa boleng ya bophelo ba bona. Ntho ena e na le tshusumetso tse itseng mosebetsing wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (eleng o lokelang ho kenyeletsa setjhaba) le sephetho (se lokelang hore se amanngwe le boikemisetso ba ntshetsopele kaofela). Tataiso tsena di hopoletswe ho thusa ho fetolela tshekamelo e hlokahalang ya ntshetsopele ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng tataisong e sebetsang le fana ka tsela.
Tshekamelo ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong: Tataiso e nngwe le e nngwe e lokela ho hlokomela hore moralo ha se qetello ya ditaba empa ke sesebediswa se tla o thusa ho fihlela tshebeletso e phethahetseng le e sebetsang hantle ha mmoho le e potlakileng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Ho boloka kgokelo e haufi le e bonaletsang dipakeng tsa Moralo, taolo e ntlafetseng ya setjhaba le phinyeletso ya ditshebeletso, ka hoo, ke motheo wa bohlokwa wa tataiso tsena.
Tataiso tsena di tla thusa baamehi mosebetsing wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho tadima tshebetso ese tlhoko ya molao e jang bokgoni bo teng, empa e le sesebediswa bakeng sa tsamaiso le kgokahanyo e ntlenyana ya ho nka diqeto le phethahatso, e amanang le ditshebeletso tsa setjhaba le boikemisetso bo akaretsang ba ntshetsopele kahare ho sebaka sa boikarabelo.
ntho e sa tsotelleng mahlakore a ntshetsopele ya setjhaba le a moruo jwalo ka phediso ya bofutsana, bophelo bo botle ba setjhaba le thekolohelo; le ntho e fokolang tabeng ya ho thusa ka boipolokelo ba kgwebo ya poraefete.
Nakong ya dilemo tsa bo-1990, diforamo tse fapaneng tsa dipuisano (jwalo ka Foramo ya Selehae ya Dipuisano le Foramo ya Matlo ya Naha) di ile tsa tla ka mohopolo wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le ha di fetola moralo ona o siilweng ke dinako le o sa tshwanelang wa ho rala. Nakong yona eo, mohopolo wa moralo o kopantsweng o ne o fumana tshehetso ya matjhaba e le tsela ya ho fetola moralo o dikotokoto, le wa nakwana, le ditshebetso tse habileng morerong wa projekte wa ho rala wa dilemo tsa bo-1980; tsekamelo e lebisang kopanelo theknolojing; le ngongoreho ya boradikoloho ya hore ho be le lehlakore le phethahetseng mabapi le ntshetsopele.
ho tobiswa taabeng ya ho netefatsa hore ho na le ntshetsopele e kopantsweng le ya ka dinako tsohle; le ho tsepamiswa tabeng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Ka selemo sa 1995 Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng o ile wa hlaha jwalo ka tshebetso e hlakileng ya ho rala mme o ne o kgothaletswa ke Ofisi ya Lenaneo la Ntjhafatso le Ntshetsopele le Foramo ya tshebedisano ya Mmuso bakeng sa Moralo o Sebetsang hantle wa Ntshetsopele. Moralo o Sebetsang hantle wa Ntshetsopele o ile wa hlalosa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le : .. Lenaneo la moralo wa tshebetso moo bohle ba nang le seabo le hopoletsweng mawa a kopantsweng a tshebetso, e le ho tshehetsa kabo e phethahetseng ya mehlodi e haellang dibapeng tsa mekgatlo le dibaka tsa jeokrafi le ho tshela meedi ya setjhaba ka moralo o kgothaletsang kgolo ya ka dinako tsohle, tekano le matlafatso ya bafutsana le batho ba timilweng menyetla?
Mehopolo ena e ile ya ntshetswa pele Lenaneong la Ntjhafatso le Ntshetsopele, mme ya tiiswa ke Molao wa Motheo le ho tjhoriswa ho feta ditokomanengf tse ngata tsa leano ho kenyeleditswe le Tokomane e Tshweu e mabapi le Mebuso ya Selehae le Tokomane e Tala e mabapi le Moralo wa Ntshetsopele. E boetse e fuwa matla a semolao ke molao o tshwanang le Molao wa Tsamaiso ya Ntshetsopele, wa 1995, le Molao o Fetotsweng habedi wa Molao wa Nakwana wa Mmuso wa Selehae, 1996, le Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala, wa 1999, le Molao wa Tshebetso ya Bomasepala, wa 2000.
Boiphihlelo ba Matjhaba ba sisinya hore mmuso wa selehae o tswelang pele le o nang le demokrasi ya sebele o lokela ho ba le seabo se holang Moralong, taolong le phethahatsong ya ntshetsopele boemong ba selehae.
Tshekamelo ya matjhaba ya ho nahana ka bophara ba lefatshe le ho etsa dintho hae e entse hore ho be le tshekamelo e holang ya ho qaqolohanya mmuso ka kakaretso le moralo ka ho qoholleha?
India ho ile ha fetolwa molao wa motheo ka 1992 ho fana ka monyetla wa hore ho be le karolelano ya mesebetsi, ho kenyeleditswe le moralo wa motse wa teropo hore o lebe mekgatlong ya selehae ya teropo.
Balaodi kaofela ba selehae Germany ba hlokwa hore ba hlophise meralo ya bona le ha ho hlokeha hore e tsamaelane le meralo ya mahlakore a mang.
Malaysia teng balaodi ba selehae ba hlophisa meralo ya bona le merero ya diprojeke tse tla rarolla ditlhoko tsa selehae le ho tlatseletsa ditshisinyo tsa naha.
Indonesia teng ho na le tshebetso ya selemo le selemo e simollang tlase ho leba hodimo ya moralo wa ntshetsopele ya lebatowa, e simollang boemong ba motse.
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o arabetse tshekamelo ena ka ho etsa hore mmuso wa selehae o hlahelle ka mahetla ka matla a teng a phethahatso le taolo ya molao le matla a bohlokwa a tswelopele, empa puso eo e ntse e dula e le karolo e hokahaneng le lehlakore la mmuso. Sesebediswa se seholo sa sebopeho sena se setjha sa ntshetsopele ya puso ya selehae ke mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Tlaelo ya lefatshe ya demokrasi e toboketsa tlhokeho ya hore mehlodi le ditshebeletso di abelwe le ho qhalanngwa ka MORALO o lekanang le o hlokang leeme hore di fihlelle setjhaba kaofela. Tlwaelo ena e kenya tshebetsong morero wa hore batho ba tlwaelehileng ba be le kabelo ditabeng tsa nnete tse amang bophelo ba bona.
Moralo o fanang batho monyetla o bolela hore batho, dihlopha le mekgatlo ba lokela ho ba le monyetla wa ho fumana lesedi le loketseng ho ntshetsopele le ho ba le hona ho ba le seabo tshebetsong ya ho nka diqeto bakeng sa dibaka tseo ba dulang ho tsona le ho sebetsa ho tsona. Sepheo ka moralo o fanang ka seabo bathong hantlentle ke ho etsa hore demokrasi e tebe mme moralo o jwalo o bontsha ho sutha mohopolong wa mmuso ho leba mohopolong wa puso. Bahlahisi ba moralo ona o fang batho monyetla ba dumela hore ha ho na le tshebedisano e kgolwanyane dipakeng tsa mmuso le setjhaba ketso eo e tla tswala moralo o ntlafetseng le ntshetsopele ya phethahatso haholo boemong ba selehae?
Ka 1992, baetapele ba dinaha tse 179 ba ile ba saena moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya ka nako yohle e bitswang hore ke Ajenda 21 e thehilweng hodima kutlwisiso ya hore ditaba tsa ntshetsopele di ka rarollwa feela hantle ka seabo le tshebedisano ya balaodi ba selehae ka tshebetso ya moralo o fanang ka monyetla o jwalo wa selehae. Ajenda 21 ya Selehae e hlahisa hore bomasepala ba lokela ho kena ditherisanong tsa tshebetso ya moralo le baahi ba bona mme ba fihlele tumellano ka manane a lokelang ho tshohlwa a ntshetsopele bakeng sa baahi ba bona. Ke ntho e nkang taba ya ho fa setjhaba monyetla wa ho kenya letsoho ha ho nkuwa diqeto e le e nngwe ya ditlhoko tsa mantlha tsa ntshetsopele ya ho ya ho ile.
Afrika Borwa, ntshetsopele kaofela e amanang le molao o fetisitsweng ho tloha ka 1994 e hloka tshebetso e fang batho monyetla ha ho botjwa moralo. Molao wa Mekgwa ya Masepala o boetse o hlalosa kgopolo ena ya masepala ka ho kenyeletsa le setjhaba, eleng kgopolo e toboketsang tlhokeho ya tshebedisano ha puso ya selehae e hlophisa ditaba tsa bohlokwa ho latela bohlokwa ba tsona.
Hona jwale mmuso o sekametse hore o bonwe o fana ka bokgoni ba ho finyeletsa ditshebeletso baahing. Bomasepala ba nkwa e le mekgwa ya thuso ya ntshetsopele ya moruo wa selehae, eleng ho bolelang hore bomasepala ba lokela ho theha tlelaemete le moemo a loketseng matsete le kgolo ya moruo. Bomasepala ba lokela hore haholo ba batle hore ba thehe dilekane le baamehi ba bang tabeng ya phano ya ditshebeletso ka ho etsa bonnete ba tshebedisano le kgokahano ekasitana le ho ba le mahokela a mabapi le ntshetsopele ya selehae.
Boemong ba Afrika Borwa, ntshetsopele ya moruo wa selehae e nkwa e le sephetho sa bohlokwa sa tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tshebetso ya moralo wa masepala e lokela ho fana ka lepatlelo la hore ditaba tsa ntshetsopele di behwe ajendeng ya ntshetsopele ya masepala le ho theha menyetla hore ho be le tshebedisano le dilekane tsa tshehetso ya ntshetsopele ya selehae.
Tshekamelo e nngwe ya matjhaba, ya ho tsitlallela ntshetsopele ya motjha o tjhele, e kgothaletsa bohlokwa ba ho kopanya dingongoreho tsa tikoloho ho di etsa tshebetso ya ho etsa qeto ya ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo.
Ho latela Ajenda ya selehae ya 21 le Ajenda ya matjhaba ya Bodulo, ntshetsopele e lokela ho tshehetsa bophelo ba baahi le matla a bona le ho aba melemo e teng ya ntshetsopele hore e anele bohle ka ho lekana, e le ho ba hlokomela nakong e telele. Kgolo e tswellang ya moruo e nkuwa hangata ese ya ka dinako tsohle ntle le ha e tlatseletsa le ho tshehetsa mesebetsi ya ekholoji le ntshetsopele ya baahi?
Mesebetsi e pele ya ntshetsopele ya ka nako tsohle ha e a fapana le ya dinaha tse tswetseng pele tse kang Canada, Australia le New Zealand. UNDP ke e nngwe ya dinaha tse kgolo tsa matjhaba tse nang le seabo tse kgothaletsang ntshetsopele e sekametseng bathong e le ho tshehetsa ntshetsopele ya ho ya ho ile dinaheng tse tswelang pele.
Culcutta India e hohetse maikutlo a lefatshe ka ditharollo tsa ho ya ho ile ntlheng ya tshebetso ya dikgwerekgwere le diswiritjhe.
Motsemoholo wa Greater Montego Bay ho la West Indies o ile wa ntshetsapele Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o neng o kgannwe ke setjhaba ka bosona mme sebaka seo se nkuwa e le mohlala wa ntshetsopele ya ho ya ho ile ya metse ya diteropong le metse eo eseng ya diteropo Jmaica.
Molao wa Taolo ya Tikoloho ya Naha.
Letsholo la matjhaba la kopanelo le thehilwe hodima mohopolo wa hore kopanelo e ntlafetseng e tla nyehela tshebedisong e sebetsang ho feta le e sebetsang hantle ya mehlodi e haellang.
Letsholo la kopanelo Afrika Borwa ka bothata ba yona ba kgolo le ntshetsopele tse sa lekaneng, le nnete ya teng ya ditlhoko le mehlodi e haellang, le batla le le tshopodi le ho feta mme le hohle lefatsheng ho buuwa ka lona. Afrika Borwa e keke ya kgona ho etsa diphoso tse jang haholo tsa ntshetsopele.
Ho latela Molao wa Motheo (dikarolo tsa 152 le 153), puso ya selehae jara boikarabelo ba mesebetsi a ntshetsopele ya bomasepala, mme e na le boikarabelo moralong wa bomasepala.
ho etsa hore ditlhoko tsa mantlha tsa ditjhaba di tliswe pele ho latela bohlokwa ba tsona; le ho kgothaletsa baahi ho kenya letsoho dinthong tsa bona.
Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae e tsamaelana le moya wa Molao wa Motheo moo o nkang moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le sesebediswa sa ntshetsopele ya mmuso wa selehae ka tsela e hlakileng. Ntle le ho amanya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa ntshetsopele seo haholo se kgemang le boikemisetso bo hlakisitsweng Molaong wa Motheo, Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e lokodisa hantle hore ke hobaneng moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o nkwa e le sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho finyella sepheo sena.
tiisa hore ho na le kopanelo e hlokehang le mahlakore a mang a mmuso, mme o tla sebetsa jwalo ka sesebediswa bakeng sa kgokahano le tshebedisano le mahlakore ana; le ho sebetsa jwalo ka motheol wa puisano dipakeng tsa mmuso wa selehae le setjhaba kapa baahi.
Molao wa Moralo wa Bomasepala o tiisa sebopeho sa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka tlhoko ya molao. Mabapi le sepheo e supa Molao wa Motheo.
Ho latela Moralo o teng wa molao le wa leano, ntle le boemo ba teng ba molao, ho hlakile hore Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala ha se qetelo ka boona, empa ke sesebediswa sa bohlokwa ho thusa mmuso wa selehae ho fihlela sephetho le boikemisetso ba ntshetsopele.
bohaufi ba bona le baahi le batho ba moo, dibaka tsa selehae le maemo; le hore ke sebaka se loketseng seo ho sona ho ka hokelwang boipolokelo le msebetsi e fapaneng ya makala a fapaneng le baamehi ho latela sebaka le nako.
Batho ba bang ba na le qeaaeo hore naa ho loketse hore ba sebedise mehlodi e fetang le nako moralong ha batho ba tlase bona ba ntse ba dutse ba lebeletse hore ditshebeletso di finyelle ho bona.
Batho ba bang ba na le qeaqeo ya hore naa ho na le molemo wa hore ba etse moralo kaofela empa ho se na mehlodi ya ditjhelete e teng bakeng sa ntshetsopele ho bomasepala ba bangata.
Ba bang ba na le qeaqeo hore naa Moralo e fela e le sesebediswa sa bohlokwa sa ho finyella sephetho sa ntshetsopele.
Bahlanka ba bangata boemong ba provense le ba naha ba ntse ba na le tshekamelo ya ho nka hore Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o amana ka ho ikgetha le ditekanyetso tseo eleng tsa mmuso wa selehae le mesebetsi ya teng feela.
Ka lebaka la kgokahano e haufi haholo le di-LDO, batho ba bangata (haholo bahlanka ba mmuso wa selehae) ba amanya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le moralo wa sebaka oo ba sa sebetsaneng le karolo ya boikarabelo ba teng ho hang. Ka hoo, moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke wa lehlakore le itseng.
Ho bomasepala ba bangata, sepheo se ka sehloohong sa ho etsa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele (ntle le taba ya hore ke tlhokeho ya molao) ke ho bokella letoto la merero ya diprojeke tsa boipolokelo bakeng sa ho fumana tjhelete e tswang kantle, haholo e hlokehang bakeng sa tlhekelo ya mesebetsi ya merero ya diprojeke e fumanang tshehetso e tswang ho Lefapha la Puso ya Diprovense le ya Selehae.
Kutlwisiso tse fosahetseng tse jwalo ha mmoho le dingongoreho di bontsha hore ho hlokeha tlhakiso e kgolwanyane hodima sepheo le kutlwisiso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho kgodisa ba bang ba batho ba nang le seabo ka ho tshwaneleha le bohlokwa ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo.
Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke ho fana ka tshebeletso tse potlakileng le tse loketseng tsa ho finyeletsa ditshebeletso bathong le ho fana ka moralo wa tshebetso bakeng sa ntshetsopele ya moruo le ya setjhaba ho bomasepala. Ho na le lethathama la mahokela dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa ntshetsopele ya teng, e leng ntho e dumellanang ka ho ikgetha le moelelo wa qaka ya ditjhelete, potlako ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong le moloko wa mosebetsi. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o ka ba le nyehelo phedisong ya bothata ba nakong e fetileng ba ntshetsopele, le ho etsa hore mohopolo wa ntshetsopele ya mmuso wa selehae o sebetse le ho tlisa puso e kopantsweng.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho fetola metse ya rona e meholo, metse le dibaka tsa metse eo eseng ya diteropo.
Mokgwa wa moralo nakong ya kgethollo o ile wa kgokgothela mohopolo wa ntshetsopele ka karohano dipateroneng tsa ntshetsopele ya sebaka.
popo ya mawa a ikgethang a hopoletsweng phetolo ya sebaka sa metse e meholo le diteropo; le popo ya moralo wa ntshetsopele ya sebaka e fanang ka kakaretso ya sebaka ya boipolokelo bo radilweng ba setjhaba le ba karolo ya poraefete.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho kgothaletsa tekano ya setjhaba.
Tshebetso ya ho etsa moralo e fana ka monyetla bathong ho kenya letsoho ho latela ka moo e bopilweng ka teng mme e dumella mesebetsi ya selehae ya demokrasi, matlafatso le ho tjhafatswa ha setjhaba. Mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e radilwe ka moralo o etsang hore bohle ba nang le kabelo le baamehi ba kgone ho na le lentswe ditabeng tse amang bophelo ba bona.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sebetsa twantshong ya bofutsana.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho rarolla bothata bo matla ba ho se lekane ha setjhaba le ho se lekane ha moruo jwalo ka ntho e etsahalang metseng ya diteropo le metseng eo eseng ya diteropo ha mmoho le maemo a seng matle a amang dihlopha tsa batho ba behuweng ka mosing ka lebaka la botjhaba, bong ba bona, dilemo kapa kgolofalo.
Molao wa Motheo o hloka hore masepala a bope le ho laola mosebetsi wa hae wa tsamaiso le wa ditekanyetso ha mmoho le wa moralo ho etsa hore ditlhoko tsa mantlha tsa batho di tliswe pele le ho kgothaletsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo. Mawa, merero ya diprojeke le mananeo a etswang ka mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng a lokela hore a hlahlojwe ho laela bonamo boo a kgonang ho thusa ho matlafatsa le ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba behilweng ka mosing?
Sebopeho sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng se akaretsang, se kopantsweng le ho fa bohle monyetla wa ho kenya letsoho se etsa hore bothata ba phediso ya bofutsana bo rarollwe ka tsela e makalakala.
ho kgothaletsa ntshetsopele ya moruo wa selehae; le ho hlophisa mesebetsi ya meralo ya sebaka e etsang hore bafutsanehi ba be ka sehloohong moruong.
ho thusa ho theha maemo a loketseng a ka hohelang matsete a dikgwebo tsa poraefete le le ho kgothaletsa ntshetsopele ya moruo wa selehae ka kakaretso; le ho hlahisa mekutu e otlolohileng moruong ka ho fana ka dikgothaletso ha ho etswuwa mohlala, ho ntshetsapele tlhekelo ya moruo, ho reka, ho ntshetsapele ho hirisa kapa ho rekisa naha.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke mokgwa wa ho ntlafatsa boleng ya bophelo ba batho ka popo ya merero ya diprojeke le mananeo a motjha o tjhele a kopantsweng.
Moralo wa ntshetsopele e kopantsweng ke mosebetsi o akaretsang o kopanyang le ho hokanya mahlakore ohle a ntshetsopele le a mang.
e etsa bonnete ba hore mahlakore a ntshetsopele a nketswe hloohong ka ho phethahala tshebetsong ya popo e kopantsweng le merero ya diprojeke le mananeo a ho ya ho ile.
ho tlisa kutlwisiso ya mahlakore ohle ditabeng tsa bohlokwa tsa ntshetsopele e akaretsang jwalo ka phediso ya bofuma, ntshetsopele ya moruo wa selehae le ntshetsopele ya tikoloho ya ka dinako tsohle.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke mokgwa wa lewa o thusang ka puso e ntlafetseng ya masepala.
ho theha moralo o ka sebediswang bakeng sa tsamaiso ya phethahatso, haholo ho bomasepala ba nang le bokgoni bo haellang.
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le ho tlisa phetoho mmusong wa selehae ke ntho eo motho a ka e bitsang boemo ba tsuonyana le lehe. Phetoho e itseng ya sebopeho e a hlokeha ho etsa bonnete ba hore ho na le ditlhophiso tse atlehileng le phethahatso ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Mosebetsi wa ho rala, le ha ho le jwalo o mabapi le ho tsepamisa mawa le mesebetsi e tla hloka diphetoho tseleng eo masepala a bopilweng ka yona?
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e lokela ho tswala mawa a tshebetso a tla etsa bonnete ba hore bomasepala ba kgona ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka tsela e sebetsang hantle le tsamayang hantle ntshetsopeleng ya dintho tsa bohlokwa tse lokelang hore di tliswe pele ho latela bohlokwa ba tsona, boikemisetso, mawa, merero ya diprojeke le mananeo a fumanehileng tshebetsong ya moralo wa masepala. Tshebetso ya moralo e tla kgothaletsa motheo wa diphetoho o tsamaelanang le dintho tsa bohlokwa tseo ho dumellanweng ka tsona hore di tliswe pele ha mmoho le boikemisetso ka morero wa ho fana ka matla a phethahetseng a boikarabelo bo botjha wa ntshetsopele ya mmuso wa selehae.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke motjha wa ho hohela matsete.
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e tla theha boemo ba hore ho be le tshepo e hohelang boramatsete ka ho hodisa meralo e hlakileng le eo ho dumellanweng ka yona ya nako e bohareng ya ditjhelete le ya matsete a ditjhelete.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hopoletswe ho fana ka lesedi ho masepala, provense, ditekanyetso tsa naha le mananeo ha mmoho le mekgatlo ya boemedi ya matlole, baahi ba bomasepala le motho ofe kapa ofe ya tswang kantle ya ka lakatsang ho dula kapa ho tsetela sebakeng sa masepala. Hona ha se feela boikarabelo ba mmuso wa selehae, kapa ba tswang kantle feela ka ho ikgetha.
Tshebetso ya moralo e lokela ho hlahisa tshisinyo ya morero wa projekte e loketseng le e kgonehang e tla etsa hore mekgatlo e fapaneng e be le kabo e potlakileng le tshebediso ya matlole. Sena se tla etsa hore mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o thehe meralo ya tshebetso bakeng sa ho beha dintho tse hlakileng tse lebeletsweng le dinako tseo merero le mananeo di tla phethahatswa ka tsona.
Afrika Borwa e na le matlole a mangata ho feta a fumanehang bakeng sa ho tshehetsa ka ditjhelete merero ya diprojeke boemong ba selehae a ka sebediswang. Hona ho etsahala ka lebaka la kgaello ya ditlhahiso tsa merero ya diprojeke tse ntle kapa meralo ya kgwebo. Mekgatlo ya boemedi ya matlole a selehae le a matjhaba a tswile letsholo le matla ho fumana ditlhahiso tsa merero ya diprojeke tse ka kgonang ho sebetsuwa. Ditlhahiso tse jwalo (tse loketseng hore e be manane a merero ya diprojeke tsa sebele eseng feela dihlooho tsa merero e hlokang moo e lebileng teng) di hloka ho ralwa. Ka hoo, tshitiso e kgolo ya ho finyeletsa ditshebeletso ha se tjhelete empa ke moralo o phethahetseng.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sebetsa ho etsa bonnete ba hore ho be le kabo e sebetsang hantle le phethahetseng ya mehlodi le tshebediso ya yona.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e etsa hore bomasepala ba lekole boitlamo ba bona le hore ba lokodise mananeo abona ka tlhatlhamano ho latela bohlokwa ba ona. Meralo ya Kopantsweng ya Ntshetsopele ho ya ka moelelo wa tlhokeho e kgolo ya tekano, e sebetsa jwalo ka moralo wa tshebetso wa bomasepala ho lokodisa mesebetsi ya bona ya bohlokwa ho latela ditlhoko tse potlakileng, ha ka lehlakoreng le leng ba bolokile tlhekelo ya mosebetsi kaofela ya moruo, ya masepala le ya setjhaba.
Moo mehlodi (ya ditjhelete) e fumanehang ka bongata, ha ho hlokehe haholo hore ho etswe moralo o phethahetseng. Ha mehlodi e haella ho feta, ke moo ho hlokehang moralo o tshwanetseng le ho feta, hobane moralo o bolela monahano o lokodisitsweng hantle ka mekgwa e fapaneng e meng ya ho sebedisa mehlodi e haellang ka moralo o nang le molemo ho feta. Maemo a ditharollo tsa kgopolelo hangata a qosa bomasepala ba haellang ke matlole ditjhelete tse ngata. Moralo o thusa ka ditharollo tse loketseng, ka ho hlahloba ditsela tse ding tsa ho rarolla bothata tshebetsong eo bohle ba nang le seabo ho yona. Ditjhaba tse futsanehileng di keke tsa kgona ho sebetsa kantle ho moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o thusa masepala ho aba mehlodi ya hae e haellang ka tsela e bontshang ho tsepamisa maikutlo hantle le ho ya ho ile.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sesebediswa sa ho thakgola le ho finyeletsa ditshebeletso ka tsela e potlakileng.
o tiisang taolo e sebetsang hantle le e phethahetseng le tshebediso ya mehlodi ya ditjhelete le batho tshehetsong ya phethahatso; le ho fokotsa maemo moo matlole a abilweng bakeng sa ho fana ka ditsheletso a kekeng a sebediswa ka nako ka lebaka la kgaello ya ditlhahiso tse amohetsweng tsa merero ya diprojeke tse ntle tsa profeshenale.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sekala sa boikarabelo ba dipolotiki le le selekanyi sa mosebetsi wa masepala.
ditho tsa lekgotla di ka sebedisa MNK jwalo ka mokgwa wa ho lekanya tsamaiso e sebetsang hantle le e babatsehang le ho matlafatsa boikarabelo ba bona ba dipolotiki.
Mmuso wa selehae o tla dula o phephetswa kgafetsa hore o tshehetse ka mabaka diqeto tsa ntshetsopele ho latela moelelo wa mehlodi e haellang. Mosebetsi o kopantsweng wa ntshetsopele o lokela hore o fane ka matla a selehae a nang le moralo o hlakileng, le boikemisetso ha mmoho le mokgwa wa kelello e tataisang ntshetsopele ya diqeto le ho beha motheo oo ka ona ho ka methwang tshebetso ya masepala.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho tlisa nyalano le kgokahanyo dipakeng tsa mahlakore a mmuso.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele ke disebediswa tsa bohlokwa tse kopanyang mesebetsi ya mmuso wa selehae le mahlakore a mang a moralo wa ntshetsopele boemong ba provense, ba naha le ba matjhaba, ka ho sebetsa jwalo ka motheo wa dikgokahano le ho kopana mmoho.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo o tlisang nyalano le kgokahano kahare ho mahlakore a mmuso.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ka hare ho masepala o na le seabo sa bohlokwa sa ho fana ka motheo wa dipuisano dipakeng tsa bahlanka ba mmuso, ditho tsa lekgotla, baahi le ba bang ba nang le seabo. Hobane dipuisano di tsepame hodima dingongoreho tsa nnete tse tshwang le kabo ya ditekanyetso, moralo ona o lokela ho etsa ho feta ho fetoha feela lepatlelo la dipuisano tse se nang moo di yang teng. Nakong e telele dipuisano tsena di lokela ho kgothaletsa ho feta dibaka tsa moo bohle ba kgonang ho kopanela teng, le ho bopa dikamano tse tla etsa hore tlhaloso e ntjha ya masepala ho latela moralo wa Molao wa Bomasepala e fetohe ntho ya sebele?
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e sebetsa jwalo ka motheo wa dipuisano pakeng tsa mmuso wa selehae le baahi boemong ba selehae, esita le batho ba bangata ba fapaneng ba nang le seabo ha mmoho le hlopha tse nang le thahasello. Mmuso oo batho ba nang le seabo ho ona le o nang le boikarabelo o na le moelelo feela ha o amana le ditaba tsa sebele, meralo le kabo ya mehlodi.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae karolong ya B ntlheng ya ntshetsopele ya mmuso wa selehae, e bolela tataiso tsohle tsa leano la naha la ntshetsopele le amanang ka ho kgetholoha le mmuso wa selehae. Boholo di thehilwe hodima molao wa motheo le meralong ya tshebetso ya lenao la naha la mantlha le tshwanang le Lenaneo la Kaho e etswang botjha le Ntshetsopele ha mmoho le Lewa la Kgolo, Mosebetsi le Kgasanyo. Tsona di bopa moralo o labalabelwang bakeng sa dikahare tsa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele?
Tshekamelo ditlhokong tsa batho.
Phediso ya bofuma ka ho nkella hloohong ka moralo o ikgethang batho ba behilweng ka mosing le ba kojwana di mahetleng le taba ya tekanyo ya batho ba banna le ba basadi.
Ntshetseopele ya tikoloho e tshwarellang motjha o tjhele le tikoloho e bolokehileng ele e ya bophelo bo botle.
Kgolo ya moruo le ho thehwa ha menyetla ya tjhelete e kenang le ya mosebetsi.
Kameho ya baahi, ditjhaba le ba nang le seabo.
Ditshebeletso tse tshwarellang nako e telele, bomasepala le bodulo.
Ha Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o nyehela ntshetsopeleng ya setjhaba le ya moruo, e lokela ho nkella hloohong metheo ena.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e ileng ya etswa selemong sa 1998 le sa 1999 e ne e sa hlahise tataiso tsena ha mmoho le metheo, kapa dintlha dife kapa dife tse ding tse totobetseng tse lokelang ho nkelwa hloohong. Dintlha tse kang kgethollo ya setjhaba (mohlala dihlopha tse ka mosing kapa kgethollo ho latela taba ya hore motho ke monna kapa ke mosadi), bokgoni le ho tshwarella nako e telele ke dintha tse neng di sa rarollwe ho hang. Ho bonahala ho na le kgaello ya tsebo ya hore tataiso ya leano e jwalo ha mmoho le metheo, di ka lekolwa ka moralo o jwang, mosebetsing wa ho rala.
Ntle le ho kenella mehatong le mekgweng e latetsweng ka botebo, tataiso tsa lenao lena di ka fana ka tataiso e akaretsang e itseng le tsela mabapi le ditsela le mekgwa ya ho nkela hloohong tataiso tsa leano la naha la ntshetsopele ha mmoho le metheo moralong o kopantsweng wa masepala.
le ho etsa bonnete ba hore mawa a hlakile mabapi le ditsela tse hlahisitsweng tsa ho rarolla taba ya ditshebeletso tsa amanang le ditlhoko tsa mantlha.
Ka mantswe a mang: moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho fana ka dikarabo tse hlakileng tse mabapi le mohato wa ka moo ba lakatsang ho ntlafatsa le moralo oo ba lakatsang ho ntlafatsa ditlhoko tsa mantlha le hona ho di kgotsofatsa.
ho rala mokgwa wa ditefello ka mokgwa o tla utlwela bohloko batho ba futsanehileng le bong ba bona.
Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele e lokela hore qetellong, e fane ka dikarabo tse hlakileng tabeng ya nyehelo e lebeletsweng ya phediso ya bofuma, tekanyo ya batho ba basadi le ba banna le dingongoreho tsa bohlokwa tsa dihlopha te ikgethang ka bothata, le hore naa masepala o ikemiseditse ho rarolla ditaba tsena ka tsela e jwang.
ho lekola ntlha tsa tikoloho ha ho ralwa ditlhahiso tsa merero ya diprojeke.
Ka bokgutshwanyane, Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho fana ka karabo e hlakileng ya ka moo masepala a tla sebetsana ka teng le mathata a tikoloho le ho qoba tshusumetso e fosahetseng ya tikoloho.
ho etsa qeto ka dibaka tsa selekane sa tshebeletso ya masepala le ka mehato e lokelang ho kgothaletsa dilekane tseo tse jwalo.
Ka mantswe a mang: Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho kenyeletsa lewa la kgothaletso ya LED.
Motheo wa ho kenyeletsa baahi, setjhaba sa moo le batho ba nang le seabo mesebetsing kaofela ya masepala ke dintho tseo ho tla tsepamiswa maikutlo ho tsona ka botebo kgaolong ya 9 ya moralo wa tshebetso wa leano.
hore nakong eo ho ralwang merero ya diprojeke tsa ditlhahiso ho nkellwe hloohong taba ya maemo a ditjhelete a tla tshwarella nako e telele (maemo a ditshebeletso, jwalo jwalo).
Ka bokgutshwanyane Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho qoba popo ya lenaneo feela tjena, mme e lokela hore e hlake tabeng ya hore masepala o tla fana ka ditshebeletso jwang ka moralo o sebedisang ditefello hantle, mme ka ho etsa jwalo a be le bokgoni ba hore boiteko ba hae bo tshwarella nako e telele.
hlalosa disebediswa tsa taolo ya tshebediso ya naha hore di sebetse ho susumetsa paterone ya sebaka ka ho nyalellana le metheo ya MNT.
Ka mantswe a mang : Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho kenyeletsa tekolo ya sebaka mme di lokela ho hlaka tabeng ya hore ntshetsopele e kgothaletswa jwang hore e tsamaelane le metheo ya mantlha ya sebaka jwalo ka ha e lokodisitswe ho MNT.
Ke ha feela Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e nketse hloohong metheo ena ya leano la naha la ntshetsopele le tataiso, e ka bang sesebediswa sa bohlokwa sa ntshetsopele ya motjha o tjhele e tsepamisitseng maikutlo ditlhokong tse potlakileng ho feta (ka tekolo e hlakileng ya ditlhoko tsa mantlha tsa batho ba futsanehileng) ho latela motheo wa ho sebedisa bokgoni ba moruo le ba tshebediso e sebetsang hantle ya ditefello e ntseng e eketseha.
Molao wa Motheo o batla mahlakore a ikgethileng empa a sebedisana mmoho a mmuso. Hona ho hlalosa hore lehlakore ka leng le jara boikarabelo ba ho rala mesebetsi ya lona eo eleng boikarabelo ba lona, empa nakong yona eo mesebetsi ena ha mmoho le meralo e tsamaelanang le yona e ba tataisitseng, e lokela ho nyalanywa mmoho?
Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae e hlakile haholo tabeng ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo, ha mmoho le mokgweng wa ka moo e lokelang ho tsamaelana ka teng. E hloka hore ho be le lenyalo le hlahang ka mahlakoreng a mabedi, ho fapana le kamano e hlahang ka lehlakoreng le le leng e tswang hodimo e lebile tlase kapa e tlohang tlase e lebile hodimo. Mosebetsing ona wa nyalano ya dintlha, moralo wa boemo ba selehae o lokela hore thehe ditaba tsebong e tswang maanong a naha kapa le a provense, mawa le maemo, empa mananeo a mahlakore a mang a mmuso a lokela ho kopanngwa le ho hokahanngwa boemong ba selehae ho ntse ho nketswe hloohong ditlhoko tsa selehae, ditshebeletso tse lokelang ho tliswa pele ho latela bohlokwa ba tsona ha mmoho le mehlodi. Hona ho lokela ho etsahala mananeong a karolo ekasitana le mawa a dikarolo tse ngata. Le ha Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e fana ka moralo o hlakileng bakeng sa tshebedisano ya mebuso, ha e hlakisi hantle hore naa sena se bolelang bakeng sa moralo wa mokgwa wa ntshetsopele.
Molao wa Moralo wa Bomasepala (Moralo wa 13-4-2000) ha o tebe haholo, ha o re Moralo o etswang ke masepala o lokela hore o nyalane o be o tlatsetsane le meralo ya ntshetsopele le mawa a bomasepala ba bang ba amehang, makala a mmuso wa provense ao bomasepala ba fumanehang kahare ho ona, le makala a mmuso wa naha ha e qaqise hore nyalano ena (e ka bonwang feela e le mosebetsi o tswang ka mahlakoreng a mabedi, ho latela monyetla o fuweng setjhaba hore se kenye letsoho wa Moralo o hlokwang ke Molao wa Moralo wa Bomasepala) e lokela hore e fihlelwe jwang. E atisa ho etsa beha boikarabelo ba nyalano ho bomasepala, ka ho kopa hore ba lokise moralo wa bona ha o sa nyalane le meralo ya ntsetsopele le mawa a dikarolo tse ding tsa mmuso?
Mokgwa wa moralo wa mafapha a mmuso o radilweng hantle le o qobellwang o tla fana ka tshusumetso e kgolwanyane Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele mabapi le moralo oo mahlakore a mang a mmuso (ho kenyeleditswe dikarolo tsa mafapha) a sebedisang ditjhelete tsa bona ka teng kahare ho bomasepala.
Ha ditlhoko tse tlamehileng ho ba teng pele di le siyo, Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e tla be e le disebediswa tse hlokang matla le tse hlokang thuso le tse sa thabelweng hakaalo boemong ba selehae tse bileng di nang le tshusumetso e fokolang tabeng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Ho boetse ho na le bothata bo bong hape bo amanang haholo le taba ya bosiyo ba ho qhalanngwa ha ditjhelete le/kapa mokgwa wa moralo wa tshebedisano ya mafapha a mmuso. Ha feela phethahatso ya Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e itshetlehile mekgweng e sa hlaloswang hantle ya ho fana ka ditjhelete bakeng sa ho phethahatsa merero ya diprojeke tse rerilweng, mokgwa wa ho kgothaletsa makgotla a selehae ka ho a putsa ka tsela e itseng, o tla hohlana le melao ya moralo wa lewa. Ho e na le ho tsomana le ditharolo tse bolokang ditjhelete le ho etsa hore dikgetho tsa lewa bakeng sa tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi e haellang, makgotla a na le ho nehelana ka manane a matelelehadi a ditabatabelo tsa bona hobane moralo ona o etsa hore kopo ya seo o se hlokang e menehanngwe habedi e le hore o tle o mpe o kgone ho fumana letho le itseng. mokgwa ona wa ho kgothatswa ka ho putswa o nyahamisa haholo diteko dife kapa dife tsa ho sebedisa hantle mehlodi e haellang.
Tatataiso tsa ntshetsopele ya Naha le metheo di lokela ho tshehetsa ka tsebo e hlokehang meralo ya ntshetsopele makaleng kaofela.
Lekala ka leng le na le mesebetsi ya lona ya ntshetsopele e ikgethang le mesebetsi ya meralo e amehang e tsamaelanang le sekala sa mesebetsi le sebaka sa taolo.
Ditlhoko, ditshebeletso tse lokelang ho tliswa pele ho latela bohlokwa ba tsona le mehlodi ya baahi ba masepala ekasitana le maemo a selehae ke dintho tse lokelang ho tshehetsa ka tsebo mesebetsi ya ntshetsopele boemong ba selehae.
Qetellong, di tla lokela hore di fetohe motheo wa mesebetsi ya ho rala ya mahlakore a mmuso le mekgatlo kaofela mabapi le ka moo bana bohle ba ikarabellang kat eng phethahatsong kapa mererong ya diprojeke tsa ditjhelete boemong ba selehae.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ho kopanya le ho hokela phethahatso ho latela sebaka sa jeokrafi le nako o lokela ho fana ka tsebo,.le o fumana tsebo, bakeng sa moralo wa mahlakore a mang a mmuso, ho kenyeleditswe moralo wa mekgatlo e itseng kapa mafapha a boemedi.
Nyalanyo e hlokehang e hlahang ka mahlakoreng ohle dipakeng tsa tataiso kapa metheo ya naha, ditlhoko tsa moralo wa karolo (maemo, mawa a provense) le ditlhoko tsa selehae, maemo le mehlodi, e lokela ho fihlelwa ka motheo wa ketsetsano. Ho latela motheo ona, diqeto maemong a fapaneng kapa mahlakoreng a fapaneng a mmuso di lokela ho sebedisana ka mahlakore a mabedi, mme di tlame mahlakore ka ho tshwana. Mohlala, mmuso wa selehae o lokela ho kenya letsoho mesebetsing ya moo ho nkuwang qeto ya mahlakore a naha kapa a provense ha feela diqeto tsa bona di na le monyetla wa ho ba le kamano le lehlakore la mmuso wa selehae. Diqeto di tlama boemong ba selehae le boemong ba naha kapa ba provense mme di lokela ho fana ka keletso lehlakoreng la selehae ya ka moo diqeto di lokelang ho kenyeletswa ka teng diqetong tsa selehae. Diqeto tse jwalo tsa selehae di tla lekolwa le ho di hlahloba hore di nyalana le diqeto tsa naha kapa tsa provense mme sena se tla etswa ke makala a lehlakore la provense kapa la naha leo lehlakore la selehae le leng ho lona?
Metheo ena e bontsha motswako dipakeng tsa filosofi ya moralo o tlohang hodimo o leba tlase le ya ho tloha tlase ho leba hodimo.
mawa a batsi a sebaka (dibaka seo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona).
Ho latela lehlakore la Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala, ha ho hlokehe moralo o akaretsang wa naha wa ntshetsopele ya dikarolo tse ngata. Empa ho ka nna ha ba le mawa a naha a karolo a boipolokelo, ka boikemisetso le sepheo sa hore ho fihlellwe boipolokelo ba setjhaba le ditshebeletso tsa mafapha a naha le a provense.
Mokgwa wa tshebetso wa provense o ka kenyeletsa qaqiso tsa mokgwa wa tshebetso wa molao wa naha o amanang le ditlhoko tse itseng tse hlalositsweng hantle bonyane tse bontshang maemo a lebatowa.
Ho hokanngwa ha mananeo a karolo le mananeo a setereke ha mmoho le nyalano dipakeng tsa moralo wa masepala le moralo wa karolo.
le tlhokomelo ha mmoho le mokgwa wa tsamaiso wa tshebetso.
Qetellong, lehlakore la mmuso wa selehae ke lebala le leholo la moralo wa ntshetsopele. Lebaleng la selehae ditlhoko tsa batho le dintho tsa bohlokwa ha mmoho le maemo a selehae ke ntho tse lokelang ho hokanngwa le tataiso ya naha le tekolo tsa karolo, ho tsamaelana le merero e ikgethang le mananeo.
Kgokelo e lokela ho latela motheo wa lesedi le tsamayang le tswa ka mahlakoreng kaofela ha mmoho le metheo ya ho hlahloba le ho lekanya dintho hantle (motheo wa ketsetsano) dipakeng tsa mahlakore, ho e na le tsela ya hore lesedi le hlahe ka motjha o le mong feela.
Meralo ya tshebetso ya naha le ya provense (karolo) ka ho fana ka sebaka ho baemedi ba tswang mahlakoreng a mang a mabedi a mmuso. Meralo ena ya tshebetso (ho kenyeleditswe ditlhoko tsa moralo wa molao tsa dikarolo tse fapaneng) ke ena e fanang ka tsebo moralong wa masepala.
Ditsebi tse ikgethang tsa tsebo e tshwanetseng tse tswang mafapheng a karolo (a provense le a naha) di lokela ho fana ka tataiso ya thekniki le ho etsa dipatlisiso tse tshwanetseng tsa mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Kgokelo e hlokehang ya ditherisano pakeng tsa bomasepala ba selehae le baemedi ba tswang diprovenseng le boemong ba naha di tla hlophiswa boemong ba setereke kapa ba lebatowa.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele (ka meralo e qaqileng ya dikarolo ho latela ditlhoko) e tla nehelwa Molekgotla wa provense bakeng sa mmuso wa selehae bakeng sa tlhahlobo.
le hore komiti ya nyalanyo e bopilweng ka baemedi ba mafapha ba tswang diprovenseng le mmusong wa naha e hlahlobe monyetla wa phethalo le kgonahalo ya merero ya diprojeke tse hlahisitsweng (ho latela maikutlo a ngotsweng).
Molekgotla wa mmuso wa provense a ka nna a fetisetsa mosebetsi ona wa tlhahlobo le nyalanyo ya dikomiti tse nyenyane boemong ba setereke kapa ba lebatowa.
phethahalo le kgoneho ya merero ya diprojeke le mananeo; le diqeto tse entsweng mabapi le ho kenyeletswa ha ditlhahiso ditekanyetsong tsa provense kapa tsa karolo ya naha.
Sephetho sa mosebetsi ona wa nyalano se lokela ho fana ka tsebo meralong le ditekanyetsong tsa provense le tsa mafapha a naha a amehang.
v. Mafapha a karolo (a provense le a naha) a tla tshehetsa ka ditjhelete le ho phethahatsa merero ya diprojeke kapa mananeo kahare ho bomasepala kapa mmoho le bona, ho latela boitlamo ba bona le ho latela kabo eo ho dumellanweng ka yona ya mesebetsi le boikarabelo.
Ke melawana ya provense e tla tsepamisa hore ke tshebedisano efe ho tsena e tla phethahatswa ka dikgokahano tsa puisano e ngotsweng fatshe le hore ke dife tse hlokang dikopano tse kopantsweng. Sena se etswa ho latela moya wa mekutu ya kgokahanyo boemong bo kgonang ho tsamaiswa.
le ho fana ka tsebo bakeng sa ditekanyetso le meralo ya kgwebo ya bomasepala le ya mafapha a provense le a naha.
Molao wa Moralo wa Bomasepala o hlalosa hore mawa a ntshetsopele a lokela hore a nyalane le meralo ya naha le ya diprovense ha mmoho le ditlhoko tsa moralo. o boetse o fumana hore moralo o le mong, o kenyeletsang le wa lewa o lokela hore o amohelwe o tlisang mmoho, o kopanyang le o hokelang meralo.
Molao wa karolo ya naha o fupere mefuta e fapafapaneng ya ditlhoko bakeng sa bomasepala ho etsa Moralo.
a Ditlhoko tsa Molao tsa popo ya moralo wa ditshebeletso tse ikgethang tse tshwanang le moralo wa ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi b Ditlhoko tsa molao wa nyalano jwalo ka metheo ya NEMA LE MNT.
c Tlhoko ya hore moralo o etswe e le karolo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka mawa a etsetswang matlo le palo e lokelang ho fihlelwa.
d Ya dikgothaletso tse ngata, ho feta tlhokeho, eleng ntho e eketsang boleng mosebetsing wa moralo wa masepala le dihlahiswa tse kang Lenanetsamaisola 21 la Selehae.
Moralo wa ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi, moralo o kopantsweng wa dipalangwang, moralo o kopantsweng wa taolo ya matlakala, Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha sena se tla nkelwa sebaka ke ditlhoko tsa moralo wa sebaka jwalo ka karolo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng?
Mawa a matlo le palo e lokelang ho fihlelwa, ditaba tsa taolo, mawa a LED, moralo o kopantsweng wa tlhekelo ya mesebetsi, moralo wa sebaka, moralo o kopantsweng wa matla.
Bomasepala ba ne ba ferekane hore naa ba lokela ho etsa monyetla jwang wa ditlhoko tse ngata tsa molao ho latela mehato le mooko wa ditaba. Ke bamasepala ba seng bakaenyana feela ba ileng ba leka ho tlisa nyalano dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele wa ditshebeletso tsa metsi le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ha ho tehuwa mohlala. Ba ileng ba etsa, ba fumane e le ntho e boima haholo. Ntlheng ya bobedi le ka kakaretso ho feta, ho eketsa hodima mathata a hlahang ditlhokong tsa molao bakeng sa moralo wa karolo, mme ho kopanngwa ha karolo ha ho a finyellwa. Dibakeng tse ding ho ile ha ba le teko empa tlwaelo ya kgale le kgaello ya mehato e loketseng bakeng sa tshebedisano ya dikarolo tse fapaneng e ile ya thatafatsa mosebetsi ho feta. Ho feta mona, tlhaloso ya morero wa projekte e sa lekanang pele ho qetwa ka Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e ne e bolela hore bomasepala ba bangata ha ba ka ba fihlela ntlheng ya ho sebetsana le merero ya diprojeke ka tsela ya dikarolo tse ngata.
Mokgwatshebetso wa nyalanyo ya karolo e hopoletswe hore e be tataiso e sebetsang ya bomasepala ho phetha lethathama la ditlhoko tsa moralo tse behilweng ke karolo ya mafapha a mmuso wa naha. Tshebetso ena ha e rarolle qaka ya ditlhoko tse ngata tsa molao ka botsona jwalo ka ha e le tataiso e nang le mekgwa e ka latelwang, ho fapana le dikgothaletso tsa kutlwisiso ya molao, e keke ya kgona. E sebetsa kahare ho meedi e teng ya molao mme e hlahisa ditsela le mekgwa ya hore bomasepala ba ka bebofatsa tshebetso tsa bona tsa ho rala, empa ba ntse ba tsamaelana le ditlhoko tsa malao. Mokgwatshebetso wa nyalano e hopoletswe ho tlisa kgokahano le ditherisano dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le tshebetso tsa moralo wa karolo?
Ditlhoko tsa karolo molaong wa naha di fapana ka boemo.
Lefapha la Ditaba tsa Naha le ne le eso qetelle Tokomane e Tshweu e mabapi le Ntshetsopele le moralo kapa molao wa moralo wa naha wa sebaka. Mohlala o mong ke hore ha e le mona Lefapha le hlakile tabeng ya hore moralo wa ditlhoko tsa ho tlisa diphetoho tsa naha o hloka ho kenyeletswa mosebetsing wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ho ne ho eso ka ho ba le tlhakiso ya leano moralong wa ho tlisa dipheto tsa naha.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le na le molao o seng o phethetswe, tataiso tsa leano, disebediswa tsa tshehetso tsa mmuso wa selehae tse jwalo ka dibukana tse ka sebediswang le boiphihlelo ba phethahatso. Mokgwatshebetso wa ho nyalanya meralo ya ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi le Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e batla e ntsheditswe pele hantle ka moo ho loketseng ka teng.
Ditlhoko tsa Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi bakeng sa ho tsamaelana le EIPs le EMPs le ne le eso ka le ba le boiphihlelo ba phethahatso. Tshusumetso ya mmuso wa selehae e ne e sa hlaka ka lebaka leo. Mohlala o mong ke hore tse ding tsa ditlhoko tsa moralo wa korolwana e ntse e le taba ya tshebetso ya molao o phuthulohang, jwalo ka moralo o etseditsweng ho qhaleha ha oli.
Ditlhoko tsa karolo tse kenyeleditsweng kahare ho tshebetso ke tsa bonamo ba naha. Maikutlo ha a tsepamiswa hodima ditlhoko tsa provense.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
Lefapha la Matlo.
Lefapha la Ditaba tsa Naha.
Lefapha la Mmuso wa Provense le wa Selehae.
Le ha ho le jwalo, ditataiso di batsi ho lekaneng ebile di akaretsa mafapha ka ditlhoko tse bonahalang hore di phethahale. Bomasepala ba ka nna ba sebedisa tshebetso e hlahisitsweng karolong dife kapa dife tse hlahellang e le tsa bohlokwa ditshebeletsong tsa bohlokwa tsa selehae, ha mmoho le bakeng sa dikarolo tse nang le ditlhoko tsa tlhahiso ya moralo.
a Ntlheng ya pele dikarolo tseo eleng dintlha tsa phinyeletso ya ditshebeletso kapa tse tobileng maikemisetso jwalo ka metsi, matlo le tlhekeloya mesebetsi.
b Ntlheng ya bobedi, tse nang le mosebetsi ho feta le tse sekametseng motheon ho feta jwalo ka moralo wa tikoloho le wa sebaka.
Tataiso tsa ho nyalanya di tsepamisitse maikutlo ho taba ya ho nyalanya mesebetsi ya moralo kahare ho lehlakore la mmuso la masepala eleng nyalanyo dipakeng tsa dikarolo boemong ba mmuso wa selehae (le ha ditlhoko ka botsona di ile tsa hlaha leanong la naha le molawaneng). Hona ho bolela hore tshebetso ena ha e rarolle taba ya nyalanyo ka ho otloloha kahare ho dikarolo dipakeng tsa mahlakore a mmuso, le ha ho buuwa ka yona ha ho hlokeha kgokahanyo e jwalo bakeng sa ho nyalanya tshebetso tsa moralo wa karolo le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ka mantswe a mang, ho nyalanya moralo wa metsi, wa dipalangwang kapa wa matlo le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o wela motjheng, ha ho nyalanya karolo ya matlo dipakeng tsa mmuso wa provense le wa selehae yona e sa wele motjheng. Le ha ho hlokeha hore ho fanwe ka lesedi mabapi le phumaneho ya dithuso tsa matlo tshebetsong ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Dipuisano tse dipakeng tsa dikarolo di nkuwa e le boikarabelo ba dikarolo ka botsona, ho feta hore e be boikarabelo ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, le hoja mosebetsi wa nyalanyo ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e ne e tla thusa haholo tabeng ena.
ho na le tshebetso e fang batho monyetla eleng ho bolelang hore e kenyeletsa baahi kapa batho ba nang le monyetla wa ho ka fetoha basebedisa diqetong tsa sebaka, maemo, boikarabelo le ditshenyehelo, ho feta taba ya ho siya diqeto tse jwalo tsa bohlokwa ho basebetsi ba thekniki ba motjha wa boemedi.
Moralo o ka bopa motheo o tshwanelehileng wa tshebetso ya tsamaiso mme moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hore o be batsi ho feta moralo wa tshebetso wa lewa le akaretsang baekgn sa meralo ya karolo le ya thekniki.
Ha ho morero wa projekte e le nngwe o ka ralwang ka tsela ya dintlha tse tshwanang tsa nako eo ho fanweng ka yona.
Ditokomane tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ha di a lokela ho ba telele haholo. Meralo e lokela hore e kgone ho sebediseha habonolo bakeng sa tsamaiso ya dikarolo tse ngata le tlhokomelo. Di lokela hore di sebetse jwalo ka mohlodi wa ditokomane tsa dipolotiki tse lokelang ho sebediswa ke batsamaisi ba masepala, ditho tsa lekgotla le setjhaba se nang le tsebo le thahasello, ho feta ho sebedisa ditsebi tsa karolo.
le ditefello ha mmoho le ditekanyetso.
Diteko tsa ho nyalanya ditlhoko le tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di tlamehile hore di thulane le tsitsipano dipakeng tsa ho kgotsofatso ya ditlhoko tsa molao le ho kgothaletsa tokodiso ya bohlokwa ba mesebetsi ya mmuso wa selehae. Le ha ho le jwalo, tsitsipano ena e ka hlolwa mme ha fihlelwa kutlwano e fihlelwang ka ho sebedisa kgopolo tsa tshwaneleho, nyalalo le ho kopanngwa le nyalano le ho bapa?
Tsela eo nyalano e rarollwang ka teng kahare ho masepala e itshetlehile tshwanelehong ya karolo eo ho latela moelelo wa masepala. Tshwaneleho e sebetsa ho latela ka moo karolo e itseng e hlahellang ka teng jwalo ka karolo kapa jwalo ka dikarolo tsa tokodiso ya bohlokwa ba mesebetsi ya dikarolo tse ngata tsa karolo le merero ya diprojeke tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ha karolo kapa dikarolo tsa karolo di amana le mesebetsi ya bohlokwa kapa merero ya diprojeke, ke moo karolo e tla kenngwa tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tlasa maemo a tjena, ha ho na le ditlhoko tsa molao bakeng sa Moralo wa masepala mabapi le kamano ya karolo, ditlhoko tsena di ka etswa jwalo ka karolo ya mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Le ha ho le jwalo, ha ho na le karolo kapa karolo ya karolo eo ho yona ho nang le ditlhoko tsa moralo wa masepala tse sa hlaheleng di amana le mesebetsi ya bohlokwa le merero ya diprojeke, ke moo mosebetsi wa moralo wa karolo o tsamayang o bapile o tla hlokeha hore o hlophiswe le ho tsamaiswa bakeng sa dikarolo tseo tsa karolo tse welang kantle ho mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Maemo ana ditaba a kgutsufaditswe setshwantshong sena.
Lenaneo lena le latelang le fana ka sesupo sa ka moo nyalanyo ya karolo e ka etsahalang ka teng mohatong o mong le o mong wa tshebetso ya IDP.
Sena se qhaqhollwa ho feta Tataisong ya 3.
Tlhophollo e tebileng ya ditaba tsa bohlokwa?
Tlhophollo e tebileng ya ditaba tsa bohlokwa?
Bomasepala ba lokela hore ba dule ba hlokometse maemo a fapaneng a ditlhoko, ba ipapise le tsa qetelo mme ba kenyeletse tse hlahelang e le tsa bohlokwa tshebetsong ya moralo wa selehae. E tla ba ntho ya bohlokwa ho kgema le mesebetsi ya leano le ya molao e hlahelange phethelang ditlhoko tse itseng tse neng di ntshetswa pele nakong ya ha ho ralwa sephuthelwana sena sa tataiso.
Molao o teng hona jwale o hloka Makgotla a Setereke le Makgotla a Masepala wa Selehae hore a etse moalo o kopantsweng wa ntshetsopele. Ho latela Molao o Fetolang Molao wa Tlhophiso ya Masepala, masepala wa setereke o ikarabella moralong o kopantsweng wa ntshetsopele wa setereke sa masepala ka hho phethahala, ho kenhyeleditswe le moralo wa tshebetso bakeng sa meralo e kopantsweng ya bomasepala kaofela sebakeng sa masepala wa setereke. Molao wa Tlhophiso ya Masepala o tswela pele ho bolela hore moralo ona wa tshebetso o tlama masepala wa setereke le masepala wa selehae seterekeng sa masepala.
tsepamise mehato ya ditherisano dipakeng tsa masepala wa setereke le wa selehae mosebetsing wa ho rala MNK ya bona ha mmoho le mehato ho tlisa diphetoho moralong wa tshebetso.
Ditlhoko tsena tsa mmuso di lokela hore di bonwe ho latela moelelo wa sephetho sa ho kgaohanyo ya dibaka se bolelang phetoho ya mantlha kamanong e teng dipakeng tsa makgotla a setereke le makgotla a selehae. Le ha nakong e fetileng lekgotla ka leng le ne le ikarabella haholo dibakeng tse fapaneng tsa jeokrafi (bomasepala ba selehae ba ne ba ikarabella diteropong, makgotla a setereke a ne a ikarabella dibakeng tsa metse eo eseng ya diteropo), mme nakong e tlang ba tla arolelana boikarabelo ba dibaka tsona tseo, ka lebaka la ho thehwa ha bomasepala ba mathula hohle tshebetsong ya bona. moralo wa selehae le moralo wa setereke e tla fapana ka sekala sa jeokrafi ho feta sa sebaka. Ka leba leo, dikamano dipakeng tsa Makgotla a Setereke le Makgotla a Mmuso wa Selehae a tla lokela hore a fetohe ka ho phethahala. Kamano ya tshebedisano e tla lokela hore e matlafale.
Le ha ho hlakile hore moralo wa setereke le moralo wa bomasepala ba selehae e lokela hore e fane ka tsebo, molao ha o a hlaka ho hang hore naa meralo ena e lokela ho nyalana ha mmoho. Qetellong, ho na le tlhokeho ya tlhakiso haeba pherekano e lokela hore e qojwe nakong eo makgotla a matjha a kgethwang hore a kene moralong o kopantsweng wa ntshetsopele.
Jwalo ka ha kamano dipakeng tsa bokgoni ba bomasepala ba selehae le bomasepala ba setereke e fapana haholo ho ya ka dibaka ho fapana, tataiso di lokela hore di batle di kgona ho tenyetseha, empa nakong yona eo bamasepala bana ba lokela ho tiisa hore kamano ya mofuta o motjha dipakeng tsa makgotla a setereke le makgotla a selehae e ba teng e tsamaelanang le kabo e ntjha ya mesebetsi ka morao ho kgaohanngwa.
Ho na le ditsela tsa bohlokwa tse nne tse lokelang ho nkellwa hloohong bakeng sa kabo e loketseng ya mesebetsi dipakeng tsa maemo a mabedi a mmuso wa selehae.
Tshwaneleho ya moralo e lokela ho nkella hloohong dinnete le ditlhoko tsa batho le maemo dibakeng tse fapaneng. Sekala seo ka sona moralo wa boemo ba setereke ho la Afrika Borwa se tla lokela ho etsahala ka sona dibaka tse nang le batho ba ka bang milione le ho feta moo bonamong ba diskwemithareng tse 10 000 se seholo haholo bakeng sa mofuta wa moralo wa boemo ba selehae.
Bomasepala ba bangata ba selehae ba na le kgaello e matla ya bokgoni. Ka hoo e ka nna ba ntlha ya bohlokwa hore mesebetsi e itseng e phephetsang ho feta, e hlokang mehlodi e hlokehang e abelwe boemo bo hodimonyana ho e na le ho leka ho fana ka mehlodi eo e haellang le e bitsang haholo sebakeng se seng le se seng se senyenyane.
Qeto tsa ho rala di lokela hore di fetolwe hore e be ditekanyetso le meralo ya kgwebo ke ba fuweng boikarabelo ba phethahatso. Mosebetsi wa ho rala o boetse o hopoletswe ho ba le tshusumetso taolong ya phethahatso. Hobane lehokela lena kela bohlokwa bakeng sa ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka moralo o ntlafetseng, bomasepala ba selehae ba lokela ho ba le seabo moralong wa merero ya diprojeke tsa bona ha mmoho le mananeo.
Boemo ba setereke e tla ba foramo kapa lepatlelo leo ho lona kgokahanyo ya puso ya selehae le kgokahanyo dipakeng tsa bomasepala ba selehae le mafapha a karolo a provense kapa a naha e tla etsahala teng.
Tlhophiso e ntle ya mesebetsi ya ho rala dipakeng tsa bomasepala ba setereke le bomasepala ba selehae ke ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore mebetsi ya moralo e a etsahala le hore sephetho se teng se fumaneha bonyane nakong e le nngwe e le hore boikarabelo bo kopantsweng kapa ba tlatsetso ba bomasepala bo ka etsetswa bohle le ke bohle ba nang le boikaraaaabelo, nakong e le nngwe. Tshebetso ena e tla etsa hore ho qojwe phetakaka mesebetsi e hlokehang e lokelang ho etswa ka kopanelo mme le ho sebedisa hantle bokgoni ba mehlodi e haellang ya batho. E tla etsa le bonnete ba hore ho na le ditherisano dipakeng tsa bomasepala ba selehae le ba setereke le tabeng ya ho etsa qeto e amang le e tlamang mahlakore ana ka bobedi.
Kabo ya mesebetsi e meholo le boikarabelo ba setereke ha mmoho le bomasepala ba selehae mehatong ya moralo e lokodisitswe lenaneng lena le latelang ka tlase.
Tsepamisa sekala sa ditaba tsa setereke, mathata bokgoni le tsa bohlokwa.
Sephetho sa tlhophollo se tlatseditsweng sa masepala wa setereke le wa selehae le ho hlalosa ditaba tsa bohlokwa.
Selehae le boikemisetso.
Bomasepala ba selehae le ba provense ha mmoho le ba nang le seabo ba tswang mmusong wa naha mme ka tsela e jwalo ho fanwa ka tlhophiso ya moralo wa tshebetso wa nyalanyo ya mawa.
Tsepamisa mawa a tshelang meedi le a setereke ho latela ditaba tsa bohlokwa.
Ho rala merere ya siprojekte tsa lekgotla la setereke ho latela lewa ka leng.
bokella mananeo a kopantsweng a setereke bakeng sa ho laola le ho phethahatsa.
Mananeo a phethahatso a bomasepala ba selehae le ba setereke.
netefatsa hore MNK e amohelwa ke Lekgotla la selehae.
netefatsa hore MNK e amohelwa ke Lekgotla la setereke.
Kabo ya mesebetsi le boikarabelo dipakeng tsa masepala wa selehae le wa masepala wa setereke.
Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae e toboketsa tlhokeho ya ho tlisa phethoho mokgweng wa masepala wa tsamaiso ntle le ho etsa tlhahiso ya tlhophiso efe kapa efe ya ditlhophiseletso. Ho ntse ho nkeletswe hloohong maemo a fapaneng, ke boikarabelo ba bomasepala ho ntshetsapele moralo wa sebopeho o hlahisang ditlhophiseletso tse tshwanetseng. Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae ka ho qaqa mabapi le ntshetsopele ya MNK, e toboketsa hore mosebetsi ona ha o a lokela ho lahlelwa ho dikhonsaltente, empa o lokela ho tsamaiswa kahare ho bomasepala ho fana ka tsela ya ho matlafatsa bokgoni ba moralo wa lewa tsamaisong, ho bopa dilekane tsa tlhophiso dipakeng tsa tsamaiso le basebetsi, le ho matlafatsa tshebedisano dipakeng tsa mesebetsi ya tsamaiso (WPLG, p.28)?
Le ha Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae e hloka hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o tsamaiswe ke kahare ho masepala ntle le hore e bolele hore moo o lokela ho etswa ke mang, Molao wa Moralo wa Bomasepala o batla o qaqisa ho feta. O hlalosa hore Komiti ya Phethahatso ya lekgotla la masepala (kapa Majoro wa Phethahatso, kapa ha tsena di le siyo bobedi komiti e kgethilweng kapa ditho tsa lekgotla) e lokela ho tsamaisa mosebetsi ona wa moralo wa MNK le ho abela boikarabelo bona motsamaisi wa masepala?
Moya wa dipolotiki le mokgwa wa tshebetso wa molao o hlakile: MNK e lokela hore e fetohe karolo e matla ya tsamaiso ya masepala le moralo o kopantsweng wa moralo le ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Boikarabelo bo phethahetseng bo mahetleng a masepala le dikarolo tse ding tsa teng.
Bomasepala ba bangata ba ile ba fana ka mosebetsi wa ho etsa MNK ya bona ditsebing tsa kantle mme ba ile ba etsa mosebetsi ona jwalo ka ha e ka ke mosebetsi o fapaneng le tshebetso ya bona e tlwaelehileng ya tsamaiso ya masepala. Tsamaiso ya masepala kapa ditho tsa lekgotla, kapa tsona di le pedi, di ne di sa ka tsa ameha mosebetsing ona.
Tsela ena ya ho etsa mosebetsi wa moralo e ne e etsahala ka lehlakoreng le leng ka lebaka la pherekano e ileng ya ba teng ka lebaka la sebopeho sa mesebetsi le boikarabelo ba bomasepala. Ho feta mona, bomasepala ba bangata ba ne ba ngongorehiswa ke phephetso ya ho rala MNK ka bo bona, eleng ntho e neng e tla e phahametse bokgoni ba bona ho latela nako le boiphihlelo ba profeshenale.
tshebetso ya tsamaiso ya moralo, le ho fana ka ditshebeletso tsa moralo le tsa thuso tsa profeshenale.
Le ha ba ne ba qhela tebello e sa utlwahaleng ya hore ba fetohe baradi ba ntshetsopele, batsamaisi ba bangata ba masepala ba ile ba qoba le ho kgema le phephetso e utlwahalang ya ho rala tsamaiso le ho tlhophiso ya mosebetsi wa ho rala.
Kabo ya mesebetsi le boikarabelo kahare ho tshebetso ya moralo wa masepala e lokela ho tataiswa ke metheo ya demokrasi ka lehlakoreng le leng, le ke tataiso ya ho haba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le wa moralo le wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka lehlakoreng le leng.
Demokrasi e ntjha Afrika Borwa e emetse motswako dipakeng tsa moralo wa demokrasi e nang le boemedi, moo mekgatlo e kgethilweng e tshwanang le makgotla e lokelang ho etsa qeto kapa moo a lokelang ho qetella a ananetse diqeto, mofuta wa demokrasi ya ditherisano, moo diqeto di fihlelwang ka dipuisano le setjhaba le ka mekgwa ya ho tshwara ditherisano.
tshebetso ena ha se feela ya ho rala kahare ho puso ya masepala, empa ke foramo ya dipuisano le ditherisano tsa batho ba nang le kabelo ba bomasepala ba fapafapaneng, qeto ya ho qetela le boikarabelo ke tsa lekgotla la masepala jwalo ka mokgatlo o kgethilweng o nang le boikarabelo setjhabeng mabapi le tshebediso ya mehlodi ya setjhaba.
Motheo wa moralo o kopantsweng wa ho rala le ho finyeletsa ditshebeletso bathong (kapa tsamaiso ya moralo le phethahatso) o hloka kameho e phethahetseng ya bao ba nang le boikarabelo ba tsamaiso ya masepala tshebetsong ya moralo.
Ho be le komiti e ikgethang ya dikarolo tse fapaneng ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng kapa moifo wa tshebetso o lokelang ho kenyeletsa dihlooho kaofela tsa mafapha a masepala le bonyane ditho tsa lekgotla tseo eleng ditho tsa Komiti ya Phethahatso jwalo ka motheo wa ho tlisa diphetoho kahare ho tsamaiso ya masepala.
Ntle le hore ditlhoko tsena di kgotsofatwe pele, moralo wa ntshetsopele o kopantswengo na le monyetla o fokolang haholo wa hore o ka fetoha sesebediswa se nang le thuso bakeng sa mmuso wa demokrasi le mmuso wa selehae o tswelang pele.
Kabo ya sebele ya mesebetsi le boikarabelo e ka nna ya fapana dipakeng tsa mekgahlelo e fapaneng le mefuta ya bomasepala, le ho latela mehlodi e teng ya basebetsi le mokgatlo. Ha feela tseo tsohle di tsamaelana le metheo, kabo ya mesebetsi le boikarabelo ba batho ba nang le seabo ba fapaneng. Le ha ho le jwalo, kabo ya mesebetsi e hopotsweng e tla sebetsa jwalo ka tataiso ya bomasepala ba bangata ba mokgahlelo wa B.
Batho ba profeshanele ba ka nka mosebetsi wa mongodi?
kapa Moifong wa Tshebetso.
Setjhaba se tlwaelehileng?
Ba emetseng ditabatabelo le ho nyehela ka tsebo le mehopolo tadima Karolo ya 8 Moo setjhaba se nang le monyetla wa ho kena letsoho?
le ho etsa hore bomasepala ba kgone ho hlophisa le ho hlahlamanya mananeo le kabo ya mehlodi ho latelwa bohlokwa ba ona hantle.
Ka bokgutshwanyane: mralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hloka hore e be mokgwa wa tshebetso wa ditherisano, tlhophollo, o sekametseng boikemisetsong wa ho etsa diqeto ditabeng tse amanang le ntshetsopele ya masepala. Tokomane e Tshweu mapapi le Puso ya Selehae e etsa tlhahiso ya mehato ya moralo e tsitsitseng bakeng sa mosebetsi ona.
Tlhahlobo ya sebele ya setjhaba ya hona jwale, ya moruo le ya ntshetsopele kahare ho sebaka sa masepala nnete ya hona jwale?
Tsepamiso ya ditlhoko tsa setjhaba ka tsela ya ditherisano tse haufi.
Tlhakisetso ya mehlodi e teng, mahlale le bokgoni.
Tokodiso ya ditlhoko ho latela bohlokwa ba tsona ho latela bohlokwa ba hore di potlakelwe le nako ya tsona e telele.
Ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso o kopantsweng le sepheo ho kgotsofatsa ditlhoko tsena.
Popo ya mawa ho ka fihlella sepheo ho latela nako e itseng e qaqisitsweng.
Phethahatso ya merero ho ka fihlela dipheo tsa bohlokwa.
Tshebediso ya disebediswa tsa tlhokomelo ho lekanya tshusumetso le tshebetso.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae ha e a hlaka hantle ka sehlahiswa le tshebetso, le ka sebopeho sa tokomane kapa sa ditokomane tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng?
Le ha mohopolo ka MNK e le ho bopa moralo o kopantsweng o batsi, bomasepala ba keke ba rala dintho tsohle ka botebo selemong sa pele. MNK e ka mpa ya matlafatsa bomasepala hore ba lokodise ka bohlokwa le leano mesebetsi ya bona le mehlodi. Teko ya ho leka ho rala dintho ka tsela e batsi haholo e ka nna ya tswala taba ya hore ho etswe meralo e sa utlwahaleng e hlokang mehlodi ya ditjhelete le batho ba tla thusa ho etsa mosebetsi oo wa phethahatso?
Taba ya hore mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hoba batsi ho le hokae le hore o lokela ho teba hakae, e sa ntsane e lokela hore e arabuwe.
Molao wa moralo wa Masepala o hlalosa bonyane ba ditlhoko tsa molao mabapi le dikahare kapa dikarolo tseo eleng mooko?
Di-KPI le maemo a lebeletsweng a katleho.
Lenane la dikahare le fana ka sesupo se hlakileng sa ho ralwa ha mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Bongaka bo ile ba fumana ho le boima ho hlophisa tshebetso moo setjhaba se fuwang monyetla wa ho phehisa ka moralo o tshwanetseng.
Bomasepala ba bangata ba ile ba sebedisa tjhelete ya bona ya ho rala ditshebetsong tse batsi tse hlokang tsela tsa tlhophollo ya boemo (hangata ba ile ba fumana tataiso e fosahetseng melawaneng ya provense e laeletsang dikahare tsa tlhophollo e jwalo ka botebo) tse neng di hloka thuso bakeng sa ho utlwisisa diphetoho tse teng sebakeng.
Batho ba ralang ba bangata ba ile ba fumana ho le boima ho amanya mmoho sephetho ka seng sa lesedi la tlhophollo le sa tlhophollo ya ditlhoko ho latela nyehelo ya setjhaba se ileng sa fana ka diphehiso.
Ha ho bomasepala ba ileng ba kgona ho kgema le ho rala mawa a ntshetsopele, ho etsa kgetho tse nang le lewa, tokodiso ya ho hlahlamanya dintho ho latela bohlokwa ba tsona le ho arabela dipotso tsa JWANG.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e mengata ha e a tsitsa ho lekaneng ho ka tataisa phethahatso mme e hole haholo hore e ka ba sesebediswa sa tsamaiso se sebetsang.
Boholo ba diphephetso e ne e le tse ntjha. Thupelo e loketseng le mekgwa ya tshehetso e ne eso ka eba teng. Bukana ya tataiso ya MNK, e ileng ya leka ho thusa bomasepala ho ba boemong ba ho ka thulana le diphephetso tsena tse ntjha e nang le ditlha tse tebileng tsa mohato o mong le o mong le mokgwatshebetso wa sebediswa ka seng, e ile ya qetella e bontsha hoba thata haholo. E ile ya lemmalla ho kgothaletsa mokgwatshebetso wa batehi e nyahamisang mosebetsi wa dipuisano tse batsi le tse bulehileng tsa leano tse mabapi le ditaba tsa sebele le ditsela tse loketseng ho feta ha mmoho le mekgwa ya ho sebetsana le tsona?
Ka bokgutshwanyane: Bomasepala ba bangata le ditsebi tsa bona tsa ho rala ha ba eso fumane mekgwa e loketseng ya ho kgema le phephetso e ntjha ya ho kopanya ditshebetso tsa ho fana ka monyetla wa diphehiso ho batho, tsa leano le moralo wa morero wa projekte e sekametseng phethahatsong. Tataiso tse teng di ne di sa fane ka karabo e phethahetseng potsong ena ya bohlokwa.
MNK o lokela ho bontsha ditlhoko/mathata ho latela bohlokwa bakeng sa masepala le baahi ba hae.
Mehlodi e teng e lokela hore e sebediswe ka moralo o sekametseng boikemisetsong.
Moralo o lokela hore ebe wa lewa, ka mantswe a mang o lokela hore o thehwe tshebetsong ya dikgetho tse nang le tsebo le ho batla ditharolo tse sebedisang tjhelete ka tlhokomelo e ntle ka tshebedisano e matla haholo le ho ba le tshusumetso e ntle.
iv. MNK o lokela ho sekamela phethahatsong, o lokela ho qaqisa dintho hantle ho fana ka lesedi ditekanyetsong, meralong ya kgwebo, qetong tsa taolo ya tshebediso ya mobu.
Ka bokgutshwanyane: Mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho fana ka foramo e hlahisang, le ho tshohla ha mmoho le ho rarolla ditaba tsa nnete ho masepala (e leng ditaba tseo mohlomong di akaretsang masepala kaofela, ha mmoho le ditaba tse ditjhaba tse qoholotsweng kapa dihlopha tsa baamehi) ho fihlela boemong ba botebo bo hlokehang bakeng sa ditjeho tse utlwahalang le tse thusang taolong ya mosebetsi wa phethahatso ntle le tieho e kgolo?
Ha se mosebetsi wa tataiso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng hofana ka tataiso e nang le moralo o ka latelwang o ka thusang ho arabela dipotso tsohle tsa JWANG ka tsela e tebileng. Hona ho etswa Tataisong ya Boraro. Le ha ho lejwalo, ho na le dipotso tsa mantlha tse amanang le moralo o lokelang ho latelwa tse tshwanetseng hore di nkuwe jwalo ka ditaba tsa leano, ebile di hloka hore ho sebetsanwe le tsona karolong ena.
Moralo wa Masepala kahare ho bomasepala ba nammeng (ka palohare ya baahi ba ka bang 100 000) o keke wa thehwa hodima kabelo e otlolohileng e sebetsang ka dikopano tsa setjhaba, empa e hloka phehiso ya sebopeho e tlang ka metjha ya phehiso e sebetsang ka sebopeho se itseng (tadima karolo ya 8).
Hona ha ho bolele pokello e batsi ya mefuta yohle ya lesedi. E lokela hore e tsepamise maikutlo ditabeng tse fumanweng e le tsa bohlokwa le ho thusa ho hlakisa mabaka le mahlakore a ditaba tsena. Hona ho hloka hore ho fetolwe melawana e mengata ya diprovense.
Tlhophollo e thehilweng hodima lesedi le bokeletsweng le ho fumana mathata kapa ditlhoko kapa ditaba ka tsela eo bohle ba nang le seabo ho yona.
Ditsela tsena tsa tshebetso di lokela ho sebedisana mmoho. Ditherisano moo bohle ba fuwang monyetla wa ho phehisa setjhabeng kapa baamehi di lokela hore di etswe hore di amane le dintlha tsa nnete le dipalo, ha ditaba tsa bohlokwa tse tswetsweng ke mosebetsi wa ho fana ka monyetla wa phehiso ho bohle e le tsona tse lokelang hore ebe dihlooho tlhophollong e tebileng.
Mosebetsi wa ho fihlella boikemisetso le mawa bakeng sa taba e nngwe le e nngwe ya bohlokwa o lokela hore o dumelle mosebetsi wa dipuisano tsa lewa tsa mahlakore a mangata tse thehilweng hodima ditsela tsa ho sebetsana le ditaba. Ena e reretswe hore ebe tshebetso ya ho buisana ka mawa a fapaneng, ho nketswe hloohong tataiso tsa lenao le maemo a mokgwa wa tshebetso.
Ha eba mesebetsi ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le dihlahiswa e lokela hore ebe dintho tse tla thusa ho akofisa le ho ntlafatsa ho finyeletsa ditshebeletso bathong, le ha eba e le ntho tse lokelang ho fana ka tsebo ditekanyetsong, meralong ya kgwebo, taolong ya tshebediso ya naha le mananeo a karolo ya boemedi, e tla lokela hore ebe le qaqiso e lekaneng ho dumella dipalo tsa ditshenyehelo, le ho metha maemo a lebeletsweng ha mmoho le diqeto dibakeng. Hona ho hloka qeto hodima, mohlala, maemo a theknoloji le meralo.
Qetellong, moralo wa merero ya diprojeke tsa thekniki e lokela hore ebe karolo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho fihlela ntlheng e itseng, hore e tle e fetohe karolo ya moshwella ya moralo wa taolo ya masepala.
kenyeletsa moralo wa tshebetso o tlamang wa sebaka o qaqisang ho lekaneng hore o kgone ho bopa motheo o sebetsang bakeng sa diqeto tse potlakileng tsa taolo ya mobu le ho tataisa diqeto tsa matsete tsa batsetedi ba praevete le ba setjhaba.
kenyeletsa ditlhahiso tsa merero ya dijrojekte tse nang le dintlha tse lekaneng ho dumella tlhophollo e nang le monyetla wa tshebediso le e sebetsang mme ka hoo e ka hohela matlole a ditjhelete tse tswang mekgatlong ya ditjhelete.
kenyeletsa maemo a qaqisitsweng hantle a tse lebeletsweng le sesupo jwalo ka motheo wa ponaletso le wa boikarabello ba makgotla a selehae le jwalo ka moralo wa taolo ya katleho ya tshebetso; le hlophisa sebaka sa dilekane tsa ditshebeletso tsa masepala, ho kenyeleditswe dilekane tsa setjhaba, ka ho fa setjhaba monyetla wa ho tlisa phehiso tsa sona le mekgatlo e amehang moralong le mosebetsing wa ho etsa diqeto tsa merero ya diprojeke tsa selehae tse bonahalang.
Molao wa motheo o totobatsa hore maikemisetso a mang a bomasepala ke ho kgothaletsa setjhaba hore se be le diphehiso le mekgatlo ya setjhaba ditabeng tsa mmuso wa selehae?
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e hatella taba ya hore setjhaba se fumane monyetla wa ho ba le diphehiso (eseng feela moralong wa masepala). E tswela pele ho feta mona ka dintlha tsa ka moo setjhaba se ka fuwang sebaka sa ho ba le diphehiso ka teng le mosebetsi wa puso ya selehae wa ho netefatsa hore baahi ba kenyeletswa popong ya leano le moralong wa mananeo a masepala ha mmoho le phethahatso le tlhokomelo ha mmoho le tlhahlobo ya mananeo a jwalo. Taba ya hore setjhaba se kenye letsoho e reretswe ho ntshetsapele demokrasi. Le ha Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e toboketsa hore bomasepala ka bobona ba lokela ho ntshetsapele mawa a tshwanetseng le mekgwa ya ho netefatsa hore setjhaba se na le kabelo.
kgato diphuputso moo bohle ba nang le monyetla wa ho phehisa, ka dihlopha tse qoholehileng (bakeng sa lesedi le keneletseng ditabeng tse ikgethang); le popo ya mekgatlo (haholo bathong ba dibakeng tse behilweng ka mosing).
Ho na le tataiso tse itseng tse bontshwang dikeletsong tsena. Ntlheng ya pele, moralo oo setjhaba se phisang ka ona o lokela hore o tsamaiswe ka tsela e hlophisitsweng hantle eseng feela tsela ya dikopano tsa setjhaba tse bokantseng batho ba bangata ha mmoho. Ntlheng ya bobedi, moralo oo setjhaba se phehisang ka ona o lokela hore o tsepamise maikutlo mekgweng e itseng e ikgethang, mme le ona ha se hore ke moralo o sebetsang hantle makaleng ohle a tsamaiso ya masepala.
Puso ya selehae ha e a lebellwa feela hore e fumane ditsela tseo eleng tsa yona tsa tlhophiso ya mekgwa ya hore setjhaba se kgone ho tlisa diphehiso, empa puso ena ya selehae e lebeletswe hore e itahlele ka setotswana mosebetsing wa ho kgothaletsa le ho ntshetsapele ho kenya letsoho, haholo ha ho tluwa diphehisong tsa dihlopha tse behilweng ka mosing ha mmoho le basadi.
Ha Molao wa moralo wa Masepala o hlalosa masepala e le mokgatlo o bopilweng ka batho o sa thehwang feela ka makala, batho ba lokelang feela ho etsa mesebetsi e itseng le tsamaiso empa ke mokgatlo o thehilweng ka ditjhaba, baahi, balefi ba ditefello, mme o kgetholla ka ho hlaka dipakeng tsa mesebetsi le boikarabelo ba mekgatlo ya puso (eleng e bopang mokgatlo o ka thoko wa molao), le ditjhaba, baahi le balefi ba ditefello?
Kgaolo ya Molao wa moralo wa Masepala ya diphehiso tsa setjhaba e tataiswa ke motheo wa hore mmuso o nang le boemedi ba molao o lokela hore o tlatseletswe ke moralo wa puso e fang batho sebaka sa ho phehisa. Diphehiso mekgweng ya ha ho nkuwa diqeto ho bomasepala ke ntho e tsepamisitsweng e le tokelo ya ditjhaba, baahi le balefi ba ditefello. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o toboketswa e le tikoloho e ikgethang ya diphehiso tsa setjhaba.
Qeto ya mekgwa e loketseng, tshebetso le mehato ya ka moo setjhaba se ka fumanang sebaka sa ho phehisa ka yona ke ntho e boikarabelong ba masepala. Mehato e laeletswang feela ya hore setjhaba se kgone hoba le kabelo ke kamohelo, tshebetso le lekola manane a ditletlebo le dingongoreho le ho lekola dibaka tsa moo ho pepeswang ditsebiso tsa dikopano tsa lekgotla. Ha ho mehato e laeleditsweng ya tsela eo setjhaba se ka bang le kabelo ka yona tshebetsong ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Bomasepala ba kopuwa ho theha maemo bakeng sa ho fa setjhaba monyetlwa wa ho ba le kabelo mme ho feta moo, ba lokela ho ba kgothaletsa ho etsa jwalo. Sesebediswa se le seng se laeletswang bakeng sa ho kgothaletsa diphehiso tsa setjhaba, le ha ho le jwalo, ke ho hasanya lesedi bakeng sa mekgwa le ditaba tsa kabelo ya setjhaba, mabapi le ditokelo le mesebetsi ya baahi le mabapi le ditaba tsa puso ya masepala ka kakaretso.
Hore baahi ba hanelwe ka monyetla wa tokelo ya bona ya ho kenya letsoho, ka ho qoba ho tsepamisa bonyane ba ditlhoko bo qaqisang tokelo eo.
Ho ile ha hlophiswa tshebetso tse ngata tsa ho fa setjhaba monyetla wa ho kenya letsoho ka diphehiso mohatong wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o sa tswa etswa haufinyane mme tsona di ile tsa etswa ka moralo o sa nyallaneng le motheo ofe kapa ofe o akaretsang o lokodisitsweng Tokomaneng e Tshweu ya Puso ya Selehae le Molaong wa Mekgwa ya Masepala.
Makgotla a kgethilweng ke foramo ya qetelo e nkang qeto hodima Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele. Mosebetsi wa demokrasi e etsang hore bohle ba be le kabelo, ke ho fana ka tsebo, e thehang dipuisanole ho hlahisa maikutlo ka diqeto tseo, nakong ya mosebetsi wa ho rala kapa ho nka diqeto.
Tsela eo setjhaba se fuwang monyetla wa ho fana ka diphehiso e lokela hore e etswe ka mokgatlo e le ho tiisa hore baahi bohle ba naha ba na le tokelo e lekanang ya ho kenya letsoho.
ho tsepamisa bonyane ba ditlhoko bakeng sa mehato ya ho fana ka diphehiso tse sebetsang ho bomasepala kaofela ka tsela ya melawana, le ho fana ka mokgwa wa tshebetso wa mokgatlo ko amohelwang ka molao.
Tsela ya ho fana ka diphehiso ka moralo o hlophisitsweng hantle: Bomasepala ba bangata ba baholo ho latela bongaka ba batho le sebaka hore ba ka kgona ho dumella tsela e otlolohileng ya hore baahi ba bangata ba kgone ho fana diphehiso tsa bona ka moralo o kopakopaneng wa ho rala. Ho fumana sebaka sa ho kenya letsoho Moralong o kopantsweng wa ntshetsopele, ka hoo, ho hloka melao e hlakileng le mehato e qaqisang hantle hore ke mang ya lokelang hore a kenye letsoho ho fana ka diphehiso kapa ke mang ya lokelang hore a reriswe, lebitsong la mang, tabeng efe, ka moralo ojwang wa tlhophiso, le ka tshusumetso efe.
Tataiso bakeng sa mehato iv. Phapano ya ditjhaba: Tsela ya hore setjhaba se fumane monyetla wa ho kenya letsoho ka tsela ya mokgatlo le ka tsela e hlophisitsweng hantle ke ntho e lokelang hore e fane ka monyetla o lekaneng wa phapano ya ditjhaba, e leng mekgwa e fapaneng ya ho phehisa le botjhaba. Jwalo ka ha ho loketse hore ho be le moralo wa molao bakeng sa tsela ena ya ho kenya letsoho ka mokgwa wa mokgatlo kahara naha, Moralo ona o lokela hore o be batsi ho lekaneng bakeng sa diphetoho tse tsamaelanang le sebaka tse tla etswa ke diprovense le bomasepala.
ho theha maemo a hore setjhaba se kgone ho tlisa diphehiso tsa sona, eleng ntho e tlamang bomasepala kaofela (ho latela Molao wa Mekgwa ya Masepala), le ho kgothaletsa moralo hore setjhaba se fumane sebaka sa ho tlisa diphehiso tsa sona, eleng ntho e lokelang hore e etswe ka ho ikgetha ho nkeletswe hloohong dihlopha tsa batho bao esale ba hloka menyetla kapa ba behilwe ka mosing ebile ho nketswe hloohong le taba ya tekano ya batho ba basadi le ba banna ho latela maemo le bokgoni tulong ya masepala.
Ho kenya letsoho moralong wa ntshetsopele o kopantsweng ke le leng la mapatlelo a seng makae la tsela ya tshebedisano tabeng ya hona le kanelo dipakeng tsa puso ya selehae le baahi.
selekane dipakeng tsa baahi/mekgatlo ya baamehi le balaodi ba selehae mererong ya diprojeke tsa phethahatso; le ho fa baahi tokelo ya ho etsa pepeso ya dingongoreho le ditletlebo le o tlama puso ya bomasepala ho arabela.
Ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya MNK ya bomasepala ho lokela hore ho bonwe ho latela moelelo o batsi.
Tshekamelo ya ditlhoko e tiisang hore ditlhoko tsa batho le mathata a bona di a tsotellwa.
Ditharollo tse tshwanelehileng: tshebediso ya tsebo le boiphihlelo ba baahi ba selehae ho kgona ho fihlela mehato le ditharollo tse tshwanelehileng le tse tla tshwarella nako e telele.
Thuo ya setjhaba: ho fumana matsapa le mehlodi ya baahi ba selehae le batho ba teng, le ho kgothaletsa tshebedisano le ho thehwa ha dilekane dipakeng tsa puso ya selehae le baahi bakeng sa phethahatso le tlhokomelo.
iv. Matlafatso: Ho etsa hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ebe ketsahalo ya setjhaba le foramo ya ho tshohla ditabatabelo tse nang le kgohlano, ho fihlela kutlwano le le kutlwisisano, mme ka ho etsa jwalo, ho etsa motheo wa ponaletso le boikarabelo pusong ya selehae mabapi le baahi ba selehae.
Mesebetsi ena e lokela hore ka dinako tsohle ebe le tshusumetso kgethong ya mehato e tshwanelehileng le mnekgwa e loketseng bakeng sa hore setjhaba se kgone hoba le kabelo.
Tsela ya ho phehisa ka moralo o hlophisitsweng hantle e thehilwe hodima boteng ba mekgatlo e nang le ditokelo tse itseng mosebetsing wa moralo. Le ha dithlophiseletso tsa mekgatlo di ka fapana haholo ka dintlha sebakeng se seng le se seng, bonyane ditlhoko tse latelang di lokela hore di laolwe.
Dikomiti tsa Diwote ke meralo ya tshebetso ya mekgatlo eo ka yona baahi dibakeng tsa jeokrafi ba ka bang le kabelo tshebetsong ya moralo.
Mekgatlo ya baamehi e emelang ditabatabelo tse itseng tsa setjhaba, moruo, bong kapa tikoloho e lokela hore e ngodiswe e le Mekgatlo ya Baamehi (boemong ba masepala) eo ka yona baamehi ba ka kgonang ho kenya letsoho mosebetsing wa moralo?
Lekgotla ha mmoho le modulasetulo wa Komiti ya MNK le lokela hore le etse bonnete ba hore dihlopha tsohle tse loketseng le mekgahlelo yohle ya setjhaba e fumana monyetla wa ho emelwa ka moralo o phethahetseng. Dihlopha tse sa hlophisehang di lokela hore di emelwe ke babuelli (mohlala basebetsi ba thekolohelo, Mekgatlo eo eseng ya mmuso, batho ba nang le mehlodi ba ileng ba etsa dipatlisiso ka dihlopha tse jwalo, jwalo jwalo)?
iv. Dikomiti kaofela tsa Diwote le Mekgatlo ya Baamehi di lokela ho emelwa ke Foramo e nang le boemedi ya MNK e tla bopa lehokela la molao dipakeng tsa puso ya masepala le setjhaba. Foramo ya boemedi ya MNK e lokela hore ebe mokgatlo wa moshwella oo ebileng o nang le boikarabelo ba tlhokomelo ya ho hlokomela katleho ya tshebetso nakong ya phethahatso ya MNK. Dikopanong tsa Foramo ya MNK ho tshwanetse hore ho be le ditho tsa Komiti ya MNK le ditho tsa lekgotla?
v. Dikomiti tsa MNK le dikomitjana tsa teng tsa thekniki, tsa merero ya diprojeke le tse amanang le mananeo kapa meifo ya mesebetsi di ka kenyeletsa baemedi ba tswang dikomiting tsa wote le mekgatlong ya baamehi kapa batho ba nang le mehlodi ba tswang setjhabeng se tlwaelehileng ha masepala a amohela hoo ho nepahetse. Baemedi ba mofuta o jwalo e ka ba ba moshwella ba dikomitjana kapa ba dikomiti kapa ya eba batho ba menngweng ka motheo wa nakwana.
Bakeng sa bomasepala ba mokgahlelo wa A le wa C, ho tla sebetsa ditlhophiseletso tse fapaneng tsa mokgatlo. Ha ditereke di ka kgona ho haha ka tshebetso ya diphehiso tsa makgotla a selehae kahare ho sebaka sa taolo, bomasepala ba metse e meholo ba ka hloka mohato o mong hape wa diphehiso tse tsamaiswang ho latela boemo ba metsana.
Molao wa Mekgwa ya Masepala o hloka hore bomasepala ba hasanye lesedi ka mesebesi le mehato ekasitana le ka dintlha tseo setjhaba se nang le ngongoreho ya tsona.
Ho tlisa phetoho tlhokong ena e akaretsang ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho bolela hore masepala e mong le e mong o lokela ho latela bonyane mehato e latelang.
ditsebiso tsa setjhaba phatlalatso e loketseng e tla tsepamiswa moralong wa tshebetso?
dikomiti tsa wote le makgatlo ya baamehi.
Ditho tsa lekgotla di lokela ho fana ka lesedi baahing ba sebaka seo sa wote, ka tsela ya kopano ya setjhaba ya boemo ba wote.
Baemedi ba Foramo ya MNK ba lokela ho ba le kameho le mohato o moholo wa mosebetsi wa ho rala bonyane hang.
iv. Baemedi ba setjhaba le baemedi ba baamehi ba lokela ho fuwa nako e lekaneng (dibeke tse 2 ho isa ho tse 4) ho tsamaisa dikopano kapa diwekshopo le dihlopha, setjhaba kapa mekgatlo eo ba e emelang, pele Foramo ya boemedi ya MNK e sebesana le taba. Lebaka mona ke ho fana ka sebaka se lekaneng hantle bakeng sa boemedi bo phethahetseng ba hoba le kabelo, empa hona ha ho ame hakaalo puso ya masepala setjhabeng kapa diwekshopo tsa boemo ba baamehi.
v. Ditokomane tsa etsa moralo di lokela hore di kgone ho ka bonwa ke moahi e mong le e mong mme motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho nehelana ka maikutlo a hae a ngotsweng. Ho tshwanetse hore hobe le nako ya bonyane dibeke tse nne bakeng sa hore dikomiti tsa wote, mekgatlo ya baamehi le dihlopha tse nang le thahasello ha mmoho le baahi ba buisane ka tokomane ya moralo ka tsela e pepeneneng, le ho hlahisa maikutlo ka yona pele Foramo ya baemedi ba MNK ba sebetsana le moralo oo.
vi. Komiti ya MNK e lokela ho fana ka tsebo dikomiting tsa wote le mekgatlong ya baamehi ka tsela eo maikutlo a ileng a lekolwa ka teng, kapa ka mabaka ao ka ona maikutlo a sa kang a tadingwa ke Foramo ya baemedi ba MNK, pele Moralo o tekwa ka pele ho lekgotla bakeng sa ho tjhaellwa monwana.
vii. Dikopano tsa lekgotla mabapi le kananelo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di lokela hore ebe dikopano tsa setjhaba.
Puso ya masepala ka dikomiti tsa MNK le ditho tsa teng tsa lekgotla, e lokela hore e sebedise mekgwa e tshwanetseng, ho feta taba ya ho theha maemo a hlokehang, ho kgothaletsa hore setjhaba se fumane monyetla wa ho kabelo. Jwalo ka ha e tla ba bothata hore bomasepala ba bangata ba nehelane ka bonyane ba maemo, leho etsa bonnete baa hore ho na le kameho ya baamehi ba baholo ba tswang kahare ho puso ya masepala, jwalo ka ha ho ba le kabelo e le tokelo empa ese mosebetsi wa baahi, bokgoni ba ho kgothaletsa setjhaba hore se be le kabelo boemong ba baahi bo tla le moedi o itseng dibakeng tse ngata.
Kgothaletso e sebetsang e lokela hore e tsepamiswe dihlopheng tsa setjhaba tse sa hlophisetsang hantle tse hlokang matla a ho hlahisa ditabatabelo tsa ona phatlalatsa. Ntho ena e ka hlalosa dihlopha tsa batho ba futsanehileng, basadi, dihlopha tsa batho ba dilemong tse itseng (tsa batjha, dikgutsana, maqheku). Masepala o lokela ho fumana dihlopha tsena le ho tsepamisa ditsela tse loketseng tsa ho etsa bonnete ba hore di na le boemedi Foramong ya baemedi ya MNK.
Kabelo ya setjhaba ha se ka dinako tsohle e loketseng ebileng e tshwanelehileng bohatong bo bong le bo bong ba moralo, mme ha se mehato yohle ya kabelo ya stjhaba e tsamaelanang le mohato o mong le o mong wa moralo. Ho leka ho etsetsa moedi ditefello tsa kabelo ya setjhaba, ho qoba mokgathala wa kabelo ya setjhaba, le ho phahamisa tshusumetso ya kabelo ena ya setjhaba, mekgwa eo setjhaba se lokelang ho phehisa ka ona o tla lokela hore o fapane bohatong bo bong le bo bong.
Matla a maholo: Hore setjhaba, ba nang le kabelo, baahi, basebedisi le balekane ba be le kabelo.
Matla a mahareng: Foramo ya baemedi ba MNK ya masepala.
Matla a tlase: Dikomiti tse nyenyane tsa thekniki le baemedi ba hlwauweng ba setjhaba.
Ho na le karohanyo e hlakileng dipakeng tsa mesebetsi le boikarabelo boo karolo e nngwe le e nngwe ya mmuso e nang le yona, tokelong ya yona jwalo ka karolo ya moralo wa tshebedisano ya mmuso ka boikarabelo bo arolelanweng, le mesebetsi e ikgethang ya tshehetso ya puso ya naha le ya provense mabapi le puso ya selehae, e reretsweng ho thusa puso ya selehae ho phethisa mesebetsi ya yona ka ho phethahala. Le ha boikarabelo bo arolelanweng kahare ho moralo wa puso ya tshebedisano e le ba sebopeho sa nako e telele, boikarabelo ba tshehetso bo ka nna ba nka nakwana.
Ho latela Molao wa Motheo, mmuso wa naha le puso ya provense bobedi di lokela ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala ho tsamaisa ditaba tsa bona, ho sebedisa matla ao ba nang le ona le ho etsa mosebetsi wa bona.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e buwa ka matla a molao wa motheo mme e qaqisa mesebetsi ya mmuso wa naha le mmuso wa provense. Ha mmuso wa naha o lokela ho theha moralo o akaretsang wa tshebetso bakeng sa popo ya bokgoni ba masepala le tshehetso, mmuso wa provense o lokela ho fana ka mokgwa wa tshebetso wa popo ya bokgoni provenseng, o ikarabellang ditlhokong tse fapaneng tsa bomasepala, le ho tiisa hore popo ya bokgoni bona e a etsahala. Meralo ya thupelo ya provense e lokela hore e thehwe. Ho fana ka thuso ya MNK ya masepala ke o mong wa mesebetsi ya popo ya bokgoni bo bolelwang Tokomaneng e Tshweu ya Puso ya Selehae. Puso ya setereke e lebeletswe ho phethisa mosebetsi wa ho nehelana ka thuso ha e hlokwa ha mmoho le popo ya bokgoni e tsamayang ka metjha bakeng sa bomasepala ba selehae. Karolo ena hara tse ding tse ngata, e bolela thuso ya thekniki karolong ya moralo.
Molao wa Mekgwa ya Masepala o bolela feela mosebetsi wa tshehetso wa provense bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ntle le ho nehelana ka dintlha tse ding tse fetang moo.
Mahlakore ohle a mmuso a lebeletswe ho jara boikarabelo ba tshehetso ya popo ya bokgoni bakeng sa bomasepala ba selehae. Ha mosebetsi wa mmuso wa naha e le wa ho fana ka moralo wa tshebetso bakeng sa tshehetso, diprovense le ditereke di lebeletswe hore di amehe ka ho otloloha popong ya bokgoni. Kabo ya mesebetsi ya tshehetso dipakeng tsa diprovense le ditereke ha e a qaqiswa ho feta mona.
Mekgwa ya tshehetso e teng hona jwale bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e ne e sa nyalane le ditlhoko tsa tshehetso tsa mokgahlelo wa B wa bomasepala ba banyenyane ba neng ba sa kgone popo ya bokgoni boo eleng ba bona ba moralo wa profeshenale. Tshehetso ya mmuso wa naha (e jwalo ka ho nehelana ka tataiso le dibukana tsa tataiso), le ha e le tshehetso ya provense (e kang ho nehelana ka melawana, tlhophiso ya thupelo le diwekshopo tsa phapanyetsano, le ho nehelana ka tataiso ya tlhophiso) ha di a ka tsa kwala sekgeo bakeng sa ho rala le ho thusa ka mahlale boemong ba selehae. Ho ne ho ile ha etswa phoso ya ho hopola hore batsamaisi ba bomasepala ba ka ba le bokgoni ba ho nka mosebetsi wa ho rala le ho thusa ka lebaka la hobane ba fuwe bukana ya tataiso le thupelo e kgutshwanyane e simollang. Batsamaisi ba bomasepala le ha ho le jwalo, ba ne ba hloka nako le boiphihlelo ba profeshenale ba ho nka mosebetsi wa ho rala nakong ya dikgwedi tse seng kae. Sekgeo sa tshehetso, ka lebaka leo, se ile sa tlatswa ke dikhonsaltente.
Dikhonsaltente di ne di lemaletse ho sebedisa tshebetso e amanang le sehlahiswa ho feta tshebetso e tshehetsang ebile e bopa bokgoni. Ho feta mona bomasepala ba bangata ba neng ba fane ka mosebetsi ona wa moralo o kopanetseng wa ntshetsopele ho etswe ke dikhonsaltente ba ne ba batla tokomane eo qetellong e tla tjhaellwa monwana ke Molekgotla wa phethahatso, ka hoo e le ho kgotsofatsa tlhoko ya molao.
Dikhonsaltente tse ngata tse neng di etsa moralo e ne ele batho ba ikgetha moralong wa mofuta wa teropo wa kgale. Ba ne ba sa tsebe dikgopolo tsa moralo o fang bohle monyetla wa ho phehisa kapa moralo wa lewa le wa ho rala morero wa projekte.
Ha ho mefuta e teng ya baemedi ba tshehetso e neng e ka nka mosebetsi wa ho fana ka tataiswa e tsamayang ka moralo wa profeshenale ho batsamaisi ba masepala nakong ya tshebetso ya ho rala le ho etsa moralo.
Ditlamo tsa Molao wa Motheo tsa tshehetso ya setjhaaba jwalo ka lesedi ka ditjhelete, tataiso ya leano, lesedi le amanang le leano, tlhokomelo le taolo. Mofuteng ona wa tshehetso mekgatlo ya boemedi e jarang boikarabelo e lokela ho nehelana ka moralo o tadimetseng dintho pele le moralo o amanang le phepelo.
Ditshebeletso tsa profeshenale tse tshwanang le tataiso nang le moralo o latetsweng, thuso, ditokomane, ya diphuputso le dipatlisiso tsa tlhophollo jwalo jwalo. Tshebeletso tsena di ka nehelwa ke bafepedi ba praevete kapa ba ditshebeletso tsa setjhaba, ho ya ka bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso. Ditshebeletso tsena di lokela hore ho nehelanwe ka tsona feela ho ya ka motheo wa patlo.
Tshehetso ya nakwana e atisa hore ebe tshehetso e fanang ka bokgoni. E lokela hore e tliswe ho fa ba amehang bokgoni ba ho phethahatsa msebetsi ya bona ha mmoho le boikarabelo ho latela ditlhoko tse ntjha.
Tshehetso ya moshwella hangata ke ho nehelana ka ditshebeletso tseo mmuso o tlangwang ke boikarabelo ba tsona ka lebaka la dipolotiki ntle le hoba le bokgoni ba ho iketsetsa ona ka lebaka la kgaello ya sekepele sa ekhonomi le menyetla ya boikgetho.
Tshehetso ya profeshenale e lokela hore e laolwe ke bomasepala. Ha e la lokela ho amoha bomasepala boikarabelo ba tsamaiso. Jwalo ka ha batsamaisi ba masepala ba keke ba lebellwa ho etsa mosebetsi wa ho rala (empa ba ka lebellwa ho tsamaisi ba ralang), ba ralang ha ba lokela ho dumellwa ho etsa mosebetsi wa motsamaisi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Motheo wa tlatsetso: Mekgwa ya Tshehetso e lokela hore e atamelane haholo le karolo ya selehae ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Eng kapa eng e ka etswa le yona empa ke ntho e ka etswang ka moralo o ntlafetseng boemong bo tlasenyana mme ha se mosebetsi o ka etswang boemong bo hodimonyana. Ntho efe kapa efe e etswa ka ho phethahala ke bafepedi ba teng hona jwale ba ditshebeletso ha e a lokela ho etswa bafepedi ba ditshebeletso ba sa tswa qala.
Boikarabelo ba mekgwa ya tshehetso ya masepala bo lokela hore ka moo ho ka kgonehang ka teng, bo fellle kahare ho lehlakore la puso ya selehae. Mekgwa e metjha ya thuso e lokela feela ho tlatseletsa dikgeong tse teng, eseng ho nkela sebaka tshehetso e sebetsang e ntseng e le teng.
ho hlokomela tshebetso ya moralo le phethahatso; le ho nehelana ka menyetla ya phapanyetsano ya mehopolo le boiphihlelo.
ho tiisa hore ho na le tsela ya ho fihlella mananeo a loketseng a thupelo; le ho hlokomela tshebetso ya ho rala le phethahatso.
ho rupela bahlanka ba masepala wa selehae le ditho tsa makgotla ka ho tsamaisa tshebetso ka ditshebetso tsa boithuto ba sebetsang ka ho etsa?
ho hokela bomasepala ba selehae ditshebeletsong tse loketseng, lesedi le thupelo; le ho fana ka menyetla bakeng sa ho arolelana dikgopolo le boiphihlelo le ho nka mehato e itseng ya moralo ka diwekshopo tse kopantsweng.
iv. Mokgatlo wa praevete (dikhonsaltente le Mekgatlo eo eseng ya mmuso) e ka sebedisetswa ditshebeletso tsohle tse amanang le ho rala kaofela tse sa ameng boikarabelo ba taolo ya selehae tse hlokang mahlale a ikgethang le tse ka etswang ke batho ba kantle ka moralo o bonolo.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso e ka sebedisetswa ka ho ikkgetha ho thusa setjhaba le dihlopha tsa batho ba hlophehileng, tse sa hlophiswang hantle hore ba amehe mosebetsing ona ka ho theha mekgwa ya boemedi bo loketseng le mekgwa e itseng.
Dikhonsaltente tsa praevete di ka sebediswa, haholoholo bakeng sa dinyehelo tsa dihlahiswa tse ikgethang (mohlala dipatlisiso tsa thekniki, diphuputso, tlhahlobo tsa tshusumetso ya tikoloho, tlhophiso ya meralo le GIS).
Thuso ya ho rala diwekshopo le dikopano e hloka tsebo e ikgethang haholo le ya boemo bo hodimo. Bathusi ba nang le bokgoni ha ba bangata mme ba ka hirwa Mekgatlong eo eseng ya mmuso, mekgatlong ya praevete kapa karolong ya kahare ho mmuso.
Lefapha la Puso ya Provense le Puso ya Selehae le tshwarane le mosebetsi wa ho theha Moralo wa Tshehetso wa Tsamaiso ya Moralo le Phethahatso o akaretsang setjhaba, o tsamaelanang le tataiso tsena?
Kabo ya mesebetsi kahare ho moralo wa tshehetso e ka thuso bohle ba nang le kabelo ba amehang ho fumana matla le boikarabelo ba bona. Tsela ena ha e a lokela hore e nkuwe e le e kekeng ya fetolw le e laeletsang feela. Ho na le moo boikarabelo bo amanang teng, ho tshwanetse hore ho etswe monyetla wa tenyetseho ho latela maemo a selehae, mme ho ka nna ha ba le phehisano dipakeng tsa mefuta e fapaneng ya bafepedi ba ditshebeletso.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e toboketsa bohlokwa ba hore bolaodi ba phethahatso ba bomasepala bo seke ba kgellwa tlase tabeng ya mehato ya ntshetsopele le kananelo, mme ka moralo o jwalo ho hlongwe dipotso mehatong e hlokehang ya kananelo ya Molao wa Ntshetsopele ya Thuso.
Molao wa Mekgwa ya Masepala o hloka feela hore ho nehelanwe ka khopi ya MNK, ho Molekgotla wa phethahatso wa puso ya selehae, e lokelang ho amohelwa ke lekgotla la masepala. Ha MNK o sa tsamaelane le ditlhoko tsa molao kapa meralo ya ntshetsopele kapa mawa a bomasepala ba bang kapa mahlakore a mang a mmuso, Molekgotla ya ka sehloohong a ka nna a kopa masepala ho fetola moralo. Ha masepala a hana ho etsa phetoho, Molekgotla ya ka sehloohong a ka nna a kgetha komiti ya nakwana ho sebetsana le taba eo. Ha komiti ena ya nakwana e tsitlallela hore ho etswe phetoho, mmsepala o lokela ho fetola MNK.
Mokgwatshetshebetso wa mahlakore a puso le seabo sa bohlokwa sa baemedi ba provense le mmuso wa naha phethahatsong ya MNK e hloka mmuso wa provense le baemedi ba loketseng ba mmuso wa naha ho itahlela ka setotswana tlhahlobong kapa le kananelo ya MNK bakeng sa merero ya nyalanyo. Le ha ho le jwalo, ha ho a hlaka ho hang feela hore ke mang ya lokelang ho ba teng mosebetsing oo le hore MNK o hlahlojwa ka dintlha dife. Tataiso tse hlakileng tsa mohato tlhahlobo ya kananelo di hlokeha ho etsa hore tshebetso ena ebe le moelelo.
MNK e lokela hore e ananelwe ke makgotla a masepala feela.
Makgotla a setereke a lokela ho etsa bonnete ba kgokahanyo ya meralo ya selehae mme a lokela hore ka hoo a tsamaise mosebetsi wa dipuisano tsa ho fihlella kgokahano le nyalano ya merlo ya selehae.
Ho tiisa hore hore dikamano tse teng pakeng tsa mmuso di sebetsa hantle (ho latela ka moo di lokositsweng ka teng Kgaolong ya 4), le ho nyehela mokgweng wa kgokahanyo e batsi ka mahlokereng kaofela, MNK e lokela hore e nehelwe Balekgotla ba phethahatso ba puso ya selehae bakeng sa tlhahlobo le nehelano ya tlaleho ho latela Molao wa Mekgwa ya Masepala.
nehelano ya tlaleho ka kgoneho le monyetla wa tshebetso ya merero ya diprojeke tse lohothwang; le nyalanyo ya meralo ho tshela meedi ya setereke le hore e tsamaisane le merlo ya karolo kapa ya mafapha ho latela moelelo wa mawa a provense le bohlokwa ba ditshebeletso tsa naha ho latela ka tlhotlhomiso ya bohlokwa ba yona.
v. Molekgotla wa phethahatso wa puso ya selehae o lokela ho theha komiti ya nyalanyo ya MNK e bopilweng ka baemedi ba provense, ba mmuso wa naa le wa selehae ho fana ka maikutlo le ho buisana ka ditaba tse amanang le sekepele sa bokgoni kapa hona ho ka sebetsa ha merero ya diprojeke le nyalanyo ekasitana le hore dintho di tsamaisane hantle.
e tlamahanya batho bohle (ntle le moo ho sa tsamaisanweng le molao wa naha kapa wa provense); le e hloka hore lekgotla la masepala le fane ka matla ho yona ka ho tsamaisa ditaba tsa yona ka moralo o tsamaisanang le MNK.
Ho feta moo, moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya sebaka o fuperweng ke MNK o ka sehloohong ho meralo e entsweng ho tsamaisana le Molao wa Moralo o Bonahalang, wa 1991.
Ho hlakile hore MSB e batla ho etsa hore MNK e fetohe sesebediswa se matla se tla tataisa diketso kaofela tsa lekgotla la masepala.
Sepheo sa Molao wa Mekgwa ya Masepala sa ho nehela MNK matla ha se ntho e bonolo ho ka kenngwa tshebetsong. Dikarolo tse ngata tsa meralo ha di a qaqa ho lekaneng ho ka tlama; tse ding di boemong ba hore di dule di ntse di fetofetolwa haholo kgafetsa ho latela maemo a fetohang (mohlala dinako tse behetsweng ditekanyetso, menyetla e metjha) hore di ka tlama ka moelelo wa molao. Ho hlokeha qaqiso le kutlwisiso tse itseng ho ka dumella MNK hore ebe le tshusumetso.
diqeto ya tsamaiso ya naha; le mehato ya ntshetsopele ya moruo.
Lekgotla la masepala le jara boikarabelo ba dipolotiki bakeng sa ho etsa diqeto le ho tsamaisa ditaba tsa lekgotla leo ho latela MNK. Katleho ya masepala e tla methwa ho latela boikemisetso le disupo tse lokodisitsweng MNK.
Moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya sebaka ha mmoho le MNK, e tla ba tokomane e tlamang ka molao bakeng sa qeto tsohle tsa tshebediso ya naha ho latela molao wa moralo o motjha wa sebaka o ntseng o lokiswa.
<fn>sot_Article_National Language Services_SEPHUTHELWANA SA TATA.txt</fn>
Mmuso wa Selehae ke moamehi ya ka sehloohong tshebetsong ya ntshetsopele ya Afrika Borwa. Tshebetso ya ho tlisa diphetoho bakeng sa ho theha bommasepala ba sa kgetheng ka mmala le ho ba le botsitso ke mohato o bohlokwa o netefatsang hore mmuso wa selehae o fihlella seabo sa ona sa ntshetsopele.
Ho tloha ka mora dikgetho tsa mmuso wa selehae tsa mohla la hlano Tshitwe 2000 maemo a tsamaiso a nakwana a fedile mme tshebetso ya mmuso wa selehae e ka qala ho sebetsa ka motheo o tsitsitseng.
Moralo wa Ntshetsopele e Kopanetsweng ke e nngwe ya disebediswa tsya bohlokwa bakeng sa mmuso wa selehae ho tswelapele ka seabo sa ona sa ntshetsopele. Ho fapana le seabo seo ba bileng le sona nakong e fetileng, moralo wa ntshetsopele e kopanetsweng jwale ke tshebetso ya tsamaiso ya bommasepala, e le karolo ya tshebetso e kopanetsweng ya ho rala le ho aba ditshebeletso. Sepheo sa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ke ho fihlella diqeto dintlheng tse kang ditekanyetso tsa mmasepala, tsamaiso ya mobu, kgothaletso ya ntshetsopele ya moruo wa selehae le ho tlisadiphetoho makgotleng a selehae ka mokgwa wa dipuisano, ho latela metjha le ka morero. Meralo e Kopanetsweng ya Ntshetsopele, le ha hole jwalo, e ke ke ya etella tsamaiso ya bommasepala pele, e lokela ho tataisa tshebetso tsa makala a mang a mmuso, ba abang ditshebeletso tsa poraefete, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso le makala a poraefete kahare ho bommasepala.
Nakong e fetileng bongata ba makgotla a nakwana a selehae a ne a se a qadile ho hlophisa Meralo e Kopanetsweng ya Ntshetsopele (a mang a bile a hlophisa le di LDOs). Ditlhophiso tseo di entswe tlasa maemo a boima. Setshwantso se molaong se phethahetseng se ne se so kene tshebetsong. Makgotla a mangata a selehae (haholoholo Makgotla a Nakwana) a ne a sena bokgoni ba ho tsamaisa tshebetso eo ya moralo. Ho ne ho se mekgwa e ka latelwang e teng eseng e tsejwa ya molao e kileng ya lekwa ho se le mananeo a phethahetseng a thupelo. Leha ho le jwalo, bohle ba bileng le seabo tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele nakong e fetileng ba ithuetse tsebo le thuto ya boleng bo phahameng. Mme ke mmuso wa selehae e mmalwa feela e hatetseng pele ka ho theha ditlwaelo tsa moralo tse thusang ho ntlafatsa phethahatso ya a diprojekte le mananeo.
Bukana ena e ntjha ya Tataiso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, e ntsheditsweng pele ke sehlopha sa tshebetso se ikgethileng ka tsa DPLG ka tshehetso ya GTZ, e fana ka moralo o behilweng ditekong le tsela ya tsamaiso ya ho kenya tshebetsong ka mokgwa o bonolo. E kenyeNtshetsopele ya Moruo wa Selehaeitse le dithuto tseo batho ba ithutileng tsona nakong e fetileng tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Ho na le mananeo a thupello naheng ka bophara bakeng sa batsamaisi ba bommasepala, bahlanka ba mesebetsi e ikgethang, ditho tsa lekgotla le diprofeshenale tsa meralo tse kenyeletsang le ba bommasepala ba bang.
Ho thehwa tshebetso ya tshehetso ya naha ka bophara bakeng sa bommasepala ba selehae ka tshehetso ya ditsi tse boemong ba setereke jwalo ka ha e le tsona tsya bohlokwa.
Palo e kgolo ya bommasepala, Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mebuso ya Selehae, mafapha a provense a mmuso wa selehae le palo e itseng ya mafapha a naha a kenyeNtshetsopele ya Moruo wa Selehae tshebetsong e qeteletseng e le Bukana ya Tataiso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ke kgodisehile ke hona hore, ka tsela e jwalo, diphatlalatso tsena e tla ba tataiso ya bohlokwa le mohlodi wa kgothaletso bakeng sa lona bohle ba nang le seabo tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele boitekong ba lona ba ho etsa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele sesebediswa sa ho phethahatsa ditlhoko tsa sethato le moruo wa setjhaba.
Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele o kenyeletsa makala a mangata, empa tshebetso ya bohlokwa ya moralo e ka kenyeletsa kapa ho se kenyeletse makala a mang. Boikarabelo bo ka tloha lekaleng le leng ho ya ho le leng ka dinako tse ding, ho latela ditlhoko tsa selehae jwalo ka ha e le ntlha ya sehlooho ya moralo o kopanetsweng wa ntshetsopele.
Baeletsi ba makala kahare ho bommasepala, mmoho le ba tswang makaleng a mang a mmuso, ba na le dipehelo tsa bona tsa moralo, tse ding tsa tsona di hlaloswa ke molao. Mokgwa wa tshebetso wa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, jwalo ka ha o hlahella buka neng ena, o amahantswe le dipehelo tsena tsa moralo wa makala ka tsela ya ho di kenyeletsa tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Ka hoo, dipehelo tsa moralo wa makala di tla phethahatswa ke tshebetso e sisintsweng buka neng ena ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, moo ditlhoko tsa meralo e jwalo di buang ka dintlha tse akaretsang (jwalo ka moralo wa bokgoni ba ho hlwaya dibaka tse senang letho le dintlha tsa tikoloho) mme moo lekala (kapa karolo ya lona) le ikamahanyang le dintlha tsa sehlooho tse hlwauweng ke tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ke feela dintlha tsa makala tse sa amaneng le dintlha tsa sehlooho tsa bommasepala tse tla nkelwa hloohong ka thoko ho tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Hoo ho bolela hore ho tla ba le maemo a fapaneng a dihtlha tse tlang ho fetela makaleng a mang, ho tla tswa ho sewelo se tla bang mahareng a ditlhoko tsa moralo wa makala le dintlha tsa sehlooho tsa bommasepala. Empa ho keke ha hlola ho ba le phethaphetho ya ditlhoko tsa moralo. Ho tla ba le mokgwa wa seabo se felletseng sa baeletsi ba makala moralong wa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, tshehetsong tsa ditjhelete le ho kenya tshebetsong.
Lekala le amahanngwa haholo le dintlha tsa sehlooho tse hlahellang Diphuputsong tsa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ke dikarolwana tse nyenyane feela tsa ditlhoko tsa moralo wa makala tse sa kenelleng dintlheng tsa bohlokwa tsa tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele mme di lokela ho phethahatswa ka thoko ho tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Lekala le amahanngwa ka karolwana le dintlha tsa sehlooho tse hlahellang tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Jwalo ka dipalangwang tsa setjhaba e ka, nna ya ba ntlha ya sehlooho, empa tlhokomelo ya mebila ebe ha se ntlha ya sehlooho. Lefapha le amehang le tla etsa moralo wa dipalangwang tsa setjhaba karolo ya tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, ha karolwana ya ditlhoko tsa moralo bakeng sa tlhokomelo ya mebila e tla phethahatswa ka thoko ho tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Ke dintlha tse nyenyane feela tse kenellang mahareng a ditlhoko tsa moralo wa makala le dintlha tsa sehlooho tsa Moralo o Kopanetsweng tsa Ntshetsopele. Maemong a jwalo, basebetsi ba lekala le amehang ba tla kopuwa ho fana ka diphehiso tse itseng tshebetsong ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Mokgwa wa tshebetso wa Morwalo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele o sa kenyeletseng mahlale a moralo, o lokela ho etsa dipatlisiso tse tebileng, tse sebetsang le ho itshetleha tshebetsong ya moralo e bonaletsang e tla kgona ho tsamaiswa le ho kenngwa tshebetsong. Ha se hore motho o lokela ho ba moradi wa profeshenale ho ka utlwisisa mokgwa wa tshebetso le ho hlophisa tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ka ho phethahala. Empa o lokela ho sebetsa le baradi kapa baeletsi ba profeshenale boemong bo itseng ho ba thusa ho hlwaya le ho tsamaisa bokgoni le disebediswa tsa ho rala.
E fana ka tataiso ya sethato mabapi le sepheo, dikahare, ditshebetso le dintlha tsa kahare tsa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ditataiso, ntle le ho fana ka tlhaloso ya Molao wa Tsamaiso ya Bommasepala wa 2000, empa ho fetisa ditlhoko jwalo ka ha di hlalositswe Molaong.
E fana ka thuso ya ho rala tshebetso ya moralo. E toboketsa haholo tlhakisetso ya seabo le boikarabelo, ditabeng tsa ditlhophiso tsa mokgatlo le ho hlophisa ditshebetso tsa moralo maemong a fapaneng.
Sephetho se hlokehang eng?
Tshebetso tse laeNtshetsopele ya Moruo wa Selehaeng (jwang) le dikarolo tsa mokgatlo (mang?
E fana ka dikgetho tse fapaneng bakeng sa disebediswa tsa moralo/mahlale bakeng sa mesebetsi ya bohlokwa ya moralo le ditlhokomediso ka tsela ya ho sebedisa disebediswa.
E thusa ka tataiso mabapi le ka moo ho ka amahangwang a mang a manane a tataiso a tsamaiso ka kakaretso (ao e seng a tshebetso ya moralo o kopanetsweng wa ntshetsopele) kapa ditsamaiso tsa karolo ya tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Mehlodi ya botsamaisi ya phethahatso ya moralo ona.
Tlhokomelo le taolo ya disebediswa tsa tshebetso.
Tekodiso ya Meralo e Kopanetsweng ya Ntshetsopele.
1 Ho thehwa ha Meifo ya Tsamaiso ya Diprojekte?
8 Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele o mabapi le Sebaka se teng.
2 Tlhophiso e pakeng tsa bommasepala boemong ba setereke.
Ho kgothaletsa dipuisano hodima dintlha tsa bohlokwa?
Ho hlahisa buka e sebedisehang ha bobebe.
Tumellano e teng mabapi le metjha ya tataiso e totobetseng, e tsitsitseng mme e bobebe, le hodima tsela eo ditlhophiso tse etswang di hlohlelletsang dipuisano hodima dintlha tsa sehlooho, ho fapana le ho kgothaletsa tshebetso e bodutu ya profeshanele. Ho boima ho sebetsana le mokgwa wa tshebetso o bebofaditsweng.
Mokgwa wa tshebetso ya ditherisano e hloka seabo senang le boleng sa ba nang le seabo ba fapaneng ho ya le mekgahlelo ya tshebetso ya tlhophollo le ya honka diqeto ka ho fapana. Hore bohle ba akaretswe ka motsotso le sebaka seo bona ba batlang ho kenyeletswa ka sona (ho fapana le hore bohle ba akaretswe ka nako e le nngwe) ho boima.
Mokgwa wa tshebetso ya lewa o hlokang ho fadimeha, le ho batlana le tharollo e nepahetseng ka ho fetisisa ho sa lebalwe mehlodi e teng, le metjha ya tataiso le mawa. Sena se molemoho feta ho bokelletswa ha lenane la tsya bohlokwa mme tseo di fetolelwe ho ba ditshisinyo tsa ditekanyetso.
Katamelo e kopanetsweng e hlokang boinahano le kgato e akaretsang le meedi e tlwaelehileng ya makala.
Moralo o selehaeng phethisanong ya mosebetsing, e hlokang botsitso mabapi le bongata/bonyane, boleng, boikarabelo, sebaka, nako le ditjeho molemong wa ho netefatsa hore kabo ya ditshebeletso e tla phethahala.
E kenyeletsa katamelo e selehaeng ketsahalong ho hlophisetsa tshebetso e mabapi le Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, ho fapana le katamelo ya sesebediswa kapa e selehaeng mokgweng o itseng. Ha ditlhophiso di nkwa e le se latelang tshebetso ho ba bobebe ho fapana le ho nahana ka tatellano ya ho rala disebediswa. Mme sena se kgothaletsa tsela ya ditherisano le dipuisano tsa lewa tse itshetlehileng ditabeng tsa sebele tse sa tse sa sitisweng ke ditlhoko tsa ho latela mareo a itseng kapa moralo o itseng.
Kopanetsweng wa Ntshetsopele (Tataiso III) e ka sebediswang bakeng sa mefuta yohle ya mmasepala, le mekgwa ya ho hlophisa le mehlodi (Tataiso IV) a nnang ya fapana ho tloha masepaleng enwa ho isaho mmasepala o mong.
E habile ho sebedisa puo e bonolo ho basebedisi ka ho qoba puo ya ditsebi.
E qhaqholla tsela ya tshebetso ka ho phethahala hore e fetohe mehato e mehlano e latelanang mme e e fetolele ho moralo wa diketsahalo bakeng sa mohato o mong le o mong eo ho sa hlokeheng hore e latelwe ka tlhahlamano e itseng?
Moralo wa mekgwa e lokelang ho latelwa, jwalo ka ha e qhaqhollotswe kahare ho Tataiso III e fana ka tataiso ya ka moo thehwang le ho hlophisetsa tshebetso ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ka tshwanelo, bat la sebedisa buka ena haholo e tla ba Mohoka hanyi wa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (Motsamaisi wa Mmasepala) le bahlophisi ba tsa profeshanele kapa bathusi ho tsa Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele. Ba nang le seabo ba bang ba ho Komiti e Tsamaisang Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele le kahare ho Foramo ya Baemedi ba Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele mme ba tshwanela bonyane ho e utlwisisa.
ho tloha mokgweng wa tlhophollo e tobileng nqa e itseng le ya ditherisano ya boemo bo teng Mohato wa 1?
ho feta mohatong wa dipuisano tsa lewa le wa ho nka diqeto tseleng ya boikemisetso le tseleng e nepahetseng ho feta ya mokgwa wa ho rarolla ditaba tsa bohlokwa tse lokelwang ho behellwa pele ho tse ding Mohato wa 2?
Tsela ya moralo wa morero wa projekte e tsitsitseng le ya thekniki Mohato wa 3?
Pele ho lekolwa merero ya diprojekte tsohle tse lohothwang bakeng sa nyalano le tshwano ho lokela hore merero eo e kopanngwe le MKN wa tlatsetso Mohato wa 4?
Qetellong sena se lokela hore se fete le tlhatlhobong, nyalanyong le kananelong ya tsela ya tshebetso Mohato wa 5?
Ho bokella lesedi le teng.
Ka merero ya diprojekte tse lohothwang.
Moralo wa diketsahalo ka tlwaelo ke dikopano le diwekshopo tsa dibopeho tsa tlhophiso tse ikarabelang tseleng ya tshebetso ya MKN (Foramo ya boemedi ya MKN, Komiti ya ditlhophiso ya MKN, Meifo ya Mesebetsi ya Diprojekte) kapa, dintlheng tse ikgethang, diketsahalo tse entsweng ke batho ba itseng (pokeletso ya lesedi, diphuputso, jwalo jwalo). Moralo wa ketsahalo e nngwe le e nngwe o lokela hore o tswale diphetho tse itseng. Diphetho tse jwalo di ka nka sebopeho sa lesedi kapa diqeto. Diphetho tse ding di amana le ditlhoko tsa molao, tse ding ke ditlhoko feela tse loketseng tse thusang ho latela tsela ya tshebetso e phethahetseng. Moralong wa ketsahalo e nngwe le e nngwe, ho etswa ditlhahiso tsa mofuta wa mekgatlo le batho ba bohlokwa ba lokelang ho ameha, ka morero wa ho netefatsa tsela ya ditherisano tse nang le boemedi le tshebetso e kenyeletsang bohle?
Katamelo ya mokgwa wa moralo, leha ho le jwalo ha e buwe haholo ka disebediswa tse ikgethang tsa ho rala tse lokelang ho sebediswa moralong wa ketsahalo e nngwe le e nngwe. Disebediswa tsena di ka nna tsa fapana haholo ho latela mofuta wa mmasepala.
Leha makgotla a selehae e meholo ho ka etsahala hore ebe a sebedisa mahlale a moralo o kopakopaneng wa khompeuta, bommasepala ba mokgahlelo wa B ba banyenyane ba ka sebetsana le moralo wa ketsahalo e jwalo ka eo ka ho sebedisa ditherisano tse bonolo. Leha bommasepala ba boemong bo pejana ba ka sebedisa mahlale a matle a ho sebetsana le lesedi (mohlala, ditsela tsa lesedi la geografi), ba bang bona ba ka nna ba itshetleha mosebetsing wa ho leka dintho ka letotolo jwalo le mekgwa ya dikatamelo tse potlakileng tsa nyollo. Ka lebaka lena, mokgwa wa katamelo wa MKN o tobileng feela ketsahalong jwalo ka ha o hlahiswa bukaneng ena o sebetsa mekgahlelong kaofela le mefuteng ya bommasepala. Kaofela bommasepala ba lokela ho araba dipotso tsa mofuta o tshwanang ka ho lokela ho tsamaya tsela e tshwanang ya moralo wa diketsahalo wa ditherisano le wa ho etsa diqeto o kenyeletsang bohle ba amehang.
Ke mahlale a ho rala feela a tla fapana. Ho qoba ho ferekanya mokgwa wa katamelo wa MKN le mahlale a ikgethang a moelelo le disebediswa, ho bokeletswe mahlale bukaneng e fapaneng (Tataiso ya IV: Lebokose la Disebediswa)a ka sebediswang ha mmoho le disebediswa tsa mefuta e fapaneng ya bommasepala. Ho rala mokgwa wa katamelo wa MKN ka tsela e itseng e tla qoba ho hlahisa mahlale a ikgethang a moralo le disebediswa.
ho bebofatsa mokgwa wa katamelo (mmasepala e mong le e mong a ka ipatlela bohato ba hae ba pebofatso kapa kopakopano); le ho dumella bohato bo itseng ba bongata mabapi le ditsela tsa ho rala ha mmoho le mahlale ekasitana le ditokiso tse tenyetsehang moelelong wa kutlwisiso ya mmasepala e mong le e mong.
Mokgwa wa katamelo wa MKN motheong wa ditherisano le boemedi bo kenyeletsang bohle le/kabelo ya baahi bohle ba dulang sebakeng seo, setjhaba le baamehi kahare ho mmasepala ya itseng, ekasitana le baemedi ba tswang mahlakoreng a mang a mmuso, ditsebi tsa makala a mang, le batho ba bang ba nang le bokgoni.
a seabo se tsamaiswang ka sebopeho se nepahetseng ho nang le boemedi ba mekgatlo le baemedi ba molao kapa maqwetha ntlheng ya dihlopha tsa batho bao eseng ditho tsa mokgatlo ba leng ka mosing kapa ba tswang dihlopheng tse tinngweng menyetla, ho na le hore ho be le boemedi bo tobileng, b hore ho fanwe ka ditlhoko le menyetla bakeng sa ho kenela ditherisano, ho na le hore ho kgothaletswe esale pele le hona ho hlophisa seabo sa mmuso wa mmasepala.
Ka mantswe a mang: Seabo tse otlolohileng sa batho ba dulang moo le baahi ka ho kena dikopanong tsa bohle e tla ba taba e entsweng mokgelo ho feta hore ebe molao wa bommasepala ka badudi ba moo ba bongaka ba palohare ya 100 000. Mokgwa ona wa katamelo o thehilwe seabong sa ho kena ha mokgatlo ka Foramo ya Boemedi ba MKN e le yona mokgatlo o moholo o ka reriswang wa tlhophiso, le kabo ya nako e lekaneng ya baemedi hore ba kgone ho rerisana le baahi ba bona kapa le ditho tsa bona pele ho tshohlwa taba Foramong ya Boemedi ya MKN.
Ditherisano le ho ba le seabo ke ntho tse lokelang hore di etsahale nakong ya mehato yohle, ho na le ditherisano tse sebetswang ka ho tehela thoko ba bang bakeng sa tlhatlhobo le tlhotlhomiso ya ditlhoko ho latela bohlokwa ba tsona nakong ya Mohato wa Tlhophollo.
Mohatong wa 1 baahi ba moo le baamehi ba fuwa monyetla wa ho hlopholla mathata a bona le ho tsepamisa dintho tseo ba batlang di nkellwe hloohong pele ho tse ding.
Mohatong wa 2 ho tla ba le monyetla wa dipuisano tse batsi tsa batho bohle ka ditsela tse loketseng le mekgwa ya ho rarolla mathata.
Mohatong wa 3 baahi le/baamehi ba amehang morerong wa projekte ya selehae e phethahetseng ba tla reriswa ka dipotso tse ikgethang tse amanang le moralo wa morero ona wa projekte (menyetla/ditshebeletso e lokela ho ralwa ka mokgwa o jwang E lokela hore e hlongwe hokae Ke mang ya lokeang ho fana ka yona Ke mang ya lokelang hoba le monyetla wa ho kena moo le ka tlasa maemo afe)?
Mohato wa 4 Foramo ya Boemedi ya MKN e tla lokela hore e lekole hore naa merero ya diprojekte tse lohothwang e tsamaelana le lewa la tataiso ya tlhotlhomiso ya dintho tse lokelang ho etswa pele ho tse ding.
Mohato wa 5 baahi le baamehi ba tla fuwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo ka MKN.
Ho lebeletswe hore mokgwa wa katamelo wa seabo sa mokgatlo le kabelo e hlophisehileng hantle ha mmoho le therisano di fane ka menyetla e ntlafetseng ya kabelo e tshwanelehileng ka matsapa a seng makae le ditshenyehelo tse seng kae tsa mmuso wa mmasepala oo ho sa kgoneheng hore o lefelle ditshenyehelo tsa ho simolla le ho hlophisa dikopano tsena tsa setjhaba.
Mokgwa wa katamelo wa moralo wa lewa ha o tshwanelehe nakong ya Mohato wa Lewa. Ka moralo wa lewa ho hlaloswa ntlha ya ho sebetsa haholo ka mehlodi eseng mekaenyana feela ho nketswe hloohong maemo le tataiso tsa leano?
Ho tsepamisa maikutlo sesoseng sa mathata ho feta ho sheba matshwao feela (Mohato wa 1, mathata a lokela hore a fumanwe, Mohatong wa 2 a lokela hore a nkelwe hloohong ha ho ralwa mawa).
Ho nkela hloohong mehlodi le moelelo wa kutlwisiso e nepahetseng (Mohatong wa 1 sena se lokela hore se fumanwe, Mohatong wa 2 tsena ke dintho tse lokelang ho nkelwa hloohong).
Ho fumana le ho hlopholla kgetho tse ding tsa lewa potso ya Jwang?
O qala ka ho lemoha maemo a moralo wa tshebetso le mehlodi e fumanehang.
Ka morao ho moo, o theha maikutlo a tlhophollo ya hao le dipuisano hodima tsohle tse hlohlomisitsweng e le tsa bohlokwa.
Jwale o lokela hore o be le bokgoni ba ho fumana mekgwa e meng ya ho rarolla mathata jwang ka mokgwa o bolokang ditjheho, o tshwarellang le wa tataiso ya leano le amehang.
Kgetho tsena tse ding di hloka ho hlophollwa ka mokgwa o motle, hore ho fumanehe bobe ba tsona le melemo ya teng pele ho ka etswa kgetho ya lewa.
Moralo wa lewa ha o boima hakaalo. Bophelong bo praevete, motho e mong le e mong o tlwaetse ho hlohlomisa dintho ho latela bohlokwa ba tsona pele, ho tsepamisa maikutlo, le ho rarolla disosa tsa mathata, ho nkeletswe hloohong taba ya mehlodi e fumanehang (le kgaello), le ho fumana kgetho e molemo ho feta. Ke tlwaelo ho latela mokgatlo e re etsang ho re re nke nako e telele re tsamaya ka tsela eo eseng ya lewa ho sebedisa mehlodi e haellang ya setjhaba ka mokgwa o sa sebetseng ka ho leka ho sebetsana le matshwao ka tsela e akaretsang le ka ho sebedisa ditharollo tse tlwaelehileng tse qosang haholo.
Phephetso ya mokwa wa moralo wa lewa ha se e tsamayang ka katamelo ya mokgwa o itseng o lokelang ho latelwa. Ka dinako tse ding ke moralo wa mokgatlo kapa wa dipolotiki. Ho hlohlomisa dintho ho latela bohlokwa le ho tsepamisa maikutlo moo ho loketseng ekasitana le ho etsa kgetho ho hloka dipuisano tse mabapi le ho qhalanya ha mmoho le ho abela mehlodi e haellang, mafapha, dihlopha tsa setjhaba le dibaka.
Dipuisano tse jwalo di atisa ho ba le dikgohlano. Phephetso ya puso ya selehae e tswelang pele ke ho tobana le ho rarolla dikgohlano tse jwalo ka ho latela tataiso ya leano, ka ho batla ditsela tse sebetsang ho fata le mekgwa e ka kgotsofatsang ditlhoko tse ngata ho feta ka matlotlo ao ho fanweng ka ona, ka ho fihlela tumellano kapa ka ho laola tsela tsa dipuisano bakeng sa ditumellano.
MKN ha o thehe phephetso, empa MKN o leka ho fana ka lepatlelo le tshwanelehileng le mokgwa o phethahetseng wa ho sebetsana le phephetso eo ho fanweng ka yona. Mokgwa wa katamelo ya MKN, wa hoba mokgwa wa moralo wa lewa wa katamelo, o ka tadingwa jwalo ka tsela ya ya tharollo ya dikgohlano. Ka ho fana ka tsela e phethahetseng le e bonaletsang ya ho fihlela diqeto, mokgwa ona o tla thusa ho fumana ditharollo tse amohelehang nakong tse itseng tseo ho fanweng ka tsona, ka ho etsa jwalo ho tla qojwa pharela tse ngata tsa ho fihlela diqeto eleng tsona tse diehisang ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Ho phaella moo mokgwa wa katamelo o phethahetseng o hlahiswang bukaneng ena ya tataiso, ho tla hlokeha bathusi ba nepahetseng bakeng sa ditsela tse jwalo tsa diqeto tsa ditherisano. Ho feta mona, ditharollo tse loketseng di ka nna tsa hloka tsela ya dipuisano tse batsi ho feta, tse kenyeletsang batho ba nang le bokgoni ba mehlodi ba tswang kantle le mahlakoreng a mang a mmuso, ntle le baamehi ba selehae. Ka lebaka lena, Boemo ba Setereke bo hlahiswa e le bona ba bohlokwa bo ka etswang Foramo ya ditsela tsa ho fihlela diqeto ka mokgwa wa lewa. Ke lepatlelo le tshwanelehileng, moo batho le dibaka ba kopanang ka mantswe a mang tsebo ya selehae e ka kopanngwang le tsebo ya ditsebi tsa thekniki?
Meralo e Kopanetsweng ya Ntshetsopele e loketse feela ho thusa taolo ya bommasepala ho ntlafala le ho potlakisa taba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong ha mmoho le ho potlakisa ntshetsopele. Moralo o loketse hore o fetohe karolo ya taolo ya bommasepala hore ba lokise diqeto ka mokgwa o loketseng ho ka di fetolela diketsong.
a Merero ya diprojekte e lokela hore e phethahale le ho toba hantle mabapi le dipalo tsa se habilweng, boleng, nako, sebaka, ditjeho, le mekgatlo ya boemedi e ikarabelang phethahatsong. Sena se hlokeha hore ho tle ho fanwe ka lesedi le hlokehang bakeng sa moralo wa kgwebo o hopotsweng mekgatlong ya boemedi ya phethahatso le ho kgotsofatsa ditlhoko tsa kananelo tsa mokgatlo oo e tla ba wa boemedi wa ditjhelete.
b MKN o lokela hore o lekolwe ka hloko hore o nyalane le moralo wa tshebetso wa mohlodi wa ditjhelete le bokgoni bo teng ba mokgatlo.
c Ho tlamehile hore hobe le kgoka hano e matla dipakeng tsa tsela ya moralo le ya ditekanyetso.
d Ba nang le boikarabelo ba ho laola tsela ya phethahatso ba lokela ho ba le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya moralo e le ho tiisa hore ho na le meralo e fihletsweng le ho kgothaletsa tshehetso e tswang bathong.
e Basebedisi ba ka bang teng, setjhaba se amehang le baamehi ba bang ba nang le thahasello morerong wa diprojekte tsena, ba lokela hore ba fihlele tumellano e lekaneng hore ho tle ho qojwe tieho ya phethahatso e tswalwang ke dikgohlano.
Sena se bolela hore dihlopha tsa ditjhaba tse amehang di lokela hore di amehe tshebetsong ya ho rala morero wa projekte.
Qetellong MKN o lokela ho feta boemong ba ho fana ka moralo wa tshebetso wa o akaretsang le moralo wa lewa o sa tjhorisehang bakeng sa moralo wa morero wa projekte e hlahlamang, ka morero wa hore ebe o sebetsang jwalo ka sesebediswa sa taolo le sa moralo wa ditekanyetso. Mosebetsi wa sebele wa moralo wa thekniki ha o a lokela hore o etswe ka morao hoba ho phethwe MKN, o hloka hore ebe karolo e kopaneng ya tshebetso ya MKN (leha dintlha tsohle tsa thekniki di ka lokela hore di fetohe karolo ya tokomane ya MKN)?
Leha ho le jwalo ha se moralo ohle wa thekniki, o ka etswang nakong ya moralo wa MKN. Merero e meng ya diprojekte e ka hloka diphuputso tse tebileng tsa monyetla wa phethahalo eleng ntho e nkang nako e ngata kapa eleng ntho e ka kgonang ho fihlelwa feela boemong bo tlang hamorao. Maemong a jwalo, tse habilweng, ditshenyehelo, le ditekanyetso ke ntho tse lokelang hore di balwe ho latela motheo o tsitsitseng wa dikakanyo tsa profeshenale (dipatlisiso tsa boemo ba pele ho boemo ba moralo).
a Ho arola lesedi hore ebe la kutlwisiso ya moelelo le hore le lokisetswe sehlopha se itseng se hopotsweng sa batho, ka mantswe a mang ebe ditataiso tse tsheletseng tse ka sebediswang di arohane; le b Ho tlisa tshwano le ho hlahisa mekgwa ya ho rala Tataiso ya III ya boemo bo hodimo ka ho arola mokgwa wa katamelo dikotwana tsa Mesebetsi wa moralo o hlaloswang ka mokgwa o tshwanang, ka hoo o dumellang hore ditataiso di sebedisehe ka potlako le ka ho toba lesedi le hlokehang?
e o fa tataiso ya mantlha ka sepheo, dikahare le dikarolo tsa sebopeho tsa MKN, tse tshelang meedi ya ditlhoko tse qalang jwalo ka ha Molao wa Ditsela tsa Mmasepala o hlakisa.
mahlale a ho sebedisa tsela e nngwe le e nngwe ya tshebetso.
diphetho tse hlokehang ditsela tsa tshebetso tse laeletswang ho o tataisa tseleng eo.
c Ho qoba puo ya ditsebi ya moralo ka hohle ka moo ho ka kgonehang ka teng ka ho hlahisa mahlale a ikgethang a moralo Tataisong ya III.
d Ho totobatsa bonyane ba ditlhoko bakeng sa mohato o mong le o mong le mosebetsi wa moralo, ka ho etsa jwalo ho tlisa phapano e hlakileng ditaeletsong tsa ba batlang ho fumana dikeletso tse itseng tsa ka moo ho ka sebetswang ka teng ka moralo o itseng.
Hobaneng o etsa hoo?
Eng e hloka hore ebe teng ka lebaka la mosebetsi wa moralo?
Mang Ke mang ya tla jara boikarabelo mme abe teng?
Nako e kae E tla nka nako e kae?
Tataiso ya III, leha ho le jwalo, e bopehile jwalo ka bukana ya tataiso. Ho bolelang hore ha se bukana e ka balwang ho tloha leqhepeng la pele ho isa qetellong ho fumana kakaretso ya potlako (sepheo sena se reretswe kakaretso ya MKN ka ho lahlela leihlo feela ho yona). Ke tokomane e lokelang ho sebediswa nakong ya tshebetso ya moralo ho latela tlhoko, eleng ho batla dikarabo ha dipotso di eba teng. E etseditswe hore e fane ka lesedi le ikgethang ka potlako ho batho ba amehang tshebetsong ya ho rala, ho fapana le ho fana ka kakaretso e kgutshwanyane e phethahetseng ya hore MKN o buwa ka eng.
Mokgwa wa katamelo wa MKN o bopilwe ke Mesebetsi ya Moralo e sebetsang ho bommasepala ba selehae le ba Setereke. Mesebetsi ena ya Moralo ha e a lokela hore e ferekanngwe le mehato ya moralo. Leha Mesebetsi e meng ya Moralo e le diketsahalo tsa moralo tse tla etswa ka tlhahlamano e itseng, Mesebetsi ya Moralo e meng e amana le ditsela le mekgwa ya ho lekola dikarolo tse itseng tsa ditlhoko tsa moralo nakong ya kapa dipakeng tsa diketsahalo tse ding tsa moralo (mohlala, ho ka sebetsanwa le mahlakore a tikoloho, sebaka kapa a moruo jwang ha ho ralwa mawa). Ka mantswe a mang: Mesebetso ya moralo e ka nna ya eba mehato kapa diketsahalo tse lokelang ho hlophiswa (jwalo ka diwekshopo, dithuto, pokeletso ya lesedi) kapa e ka tobana le mokgwa oo dikarolo tse ding tse itseng di lokelang ho lekola ka teng nakong ya mohato o itseng o qaqileng kapa ketsahalo?
b diohetho tsa mohato; le c Mesebetsi ya Moralo e akaretsang dikarolo tse lokelang ho lekolwa tshebetsong ena?
Sena se tla thusa ho fa mosebedisi wa Tataiso kakaretso ya tshebetso le sebopeho sa Mesebetsi ya Moralo?
ditlhokong tse beheletsweng ka pele tsa batho le mathata tsebong e hodima mehlodi e teng le e kgonang ho fumaneha leseding le nepahetseng le kutlwisisong e matla ya dintho tse nang le tshusumetso ntshetsopeleng ya mmasepala.
Sepheo Ho tiisa hore ho tla ba le dipuisano tse batsi tsa dikarolo tse fapaneng mabapi le ditsela tse tshwanelehileng le mekgwa ya ho sebetsana le merero ya bohlokwa pele, e ntseng e lekolwa ya tataiso ya leano, mehlodi e teng, dikgoka hano, ditlhoko tse hlodisanang le ponelopele eo ho dumellanweng ka yona. Dipuisano tsa lewa di tla thusa ho qoba tsela e tlwaelehileng ya ho kgaoletsa ho tloha ditlhokong tse fumanweng ho leba mererong ya dikarolo. Sena se tla thusa ho fumana ditharollo tse loketseng ho feta, tse ntjha le tse bolokang ditshenyehelo tlasa tlhophollo ya dikgetho tse fapaneng. Ke mohato wa ho kgetha.
ho tshwarwa dipuisano tse nang le tsebo le tse hlophisitsweng hantle tsa dipuisano tsa lewa ho hlokometswe dintlha tse tshelang meedi le dintlha tsa kahare ho mmuso le tsa nyalano ya dikarolo.
Sephetho: Ho tiisa hore ho na le kgoka hano e ntle ya moralo/ho finyeletsa ditshebeletso ka ho fana ka sebaka sa tsela ya tshebetso e nang le dintlha le e phethahetseng ya moralo wa morero wa projekte e entsweng ke moifo wa tshebetso wa projekte wa diprofeshenale le baamehi ba loketseng ba nehelanang ka merero e nang le dipalo tsa batho ba lokelang hore ba finyellwe, maemo a thekniki dibaka, dinako le dikakanyo tsa ditshenyehelo.
Karolo seabo sa bona se ba tshwanetseng tshebetsong ya moralo, mme ka ho etsa jwalo ba tla be ba kenya letsoho moralong o tsamayang hantle?
Tsela ya tshebetso: Moifo wa Tshebetso wa Projekte o kenyeletsang bahlanka ba tswang mekgatlong ya boemedi e ikarabelang phethahatsong mafapha, mekgatlo ya boemedi ya karolo ya kgwebo le ditsebi tse ding tsa sebaka di tla fuwa mosebetsi wa ho sebetsa merero ya diprojekte ka ditherisano le ditsebi tse tswang provenseng kapa mekgatlong ya boemedi ya naha le baahing kapa baamehing ba angwang ke projekte eo.
Dikakanyo tsa ditshenyehelo le ditekanyetso ha mmoho le mehlodi ya tjhelete ho nkelwa hloohong ha ditlhoko tsa moralo wa karolo meralo ya karolo e ka nna ya atoloswa nakong ya mohato ona; MKN o tla kenyeletsa feela kakaretso ya kgutsufatso ya projekte e tswalwang ke moralo o jwalo wa karolo.
Kgato ya qaqiso le nepahalo ya diphetho e tla fapana, hobane diprojekte tse ding di ka nna tsa hloka dipatlisiso tsa diphuputso tse tebileng tseo mohlomong di kekeng tsa laoleha nakong ya moralo wa MKN. Bonyane ho tla fanwa ka dikakanyo tse ding tse thehilweng diqetong tsa selelekela mabapi le moralo wa projekte (pele ho boemo ba diphuputso).
MAIKUTLO: Leha maikutlo a tshebetso ya ho rala MKN a tsepamisitswe dintlheng tse hlohlomisitsweng hore di tliswe pele ho tse ding, ho boetse ho na le merero e mengata ya diprojekte tse tlwaelehileng tsa mafapha (mohlala, tlhokomelo) tse fumanehang e le tsa bohlokwa leha di sa nkuwe e le tsa bohlokwa. Tsena tsohle di lokela ho ralwa nakong ya mohato wa 3 le lekolwa botjha kamanong le ditlhoko tsa ditjhelete bakeng sa dintlha tsa bohlokwa le diprojekte le mananeo a tsamaisanang le tsona. Tsena di lokela hore di ralwe nakong ya mohato wa 3 mme di lekolwe di tsamaisna le ditlhoko tsa ditjhelete bakeng sa dintlha tse tliswang pele/mananeo.
SEPHEO: Ho tiisa hore sephetho sa moralo wa projekte se tla hlahlojwa hore se tsamaelana le ponelopele, boikemisetso, mawa le mehlodi le hore di tla etswa hore di nyalane. Tsela ya ho etsa hore di nyalane e tla tswala moralo wa tshebetso wa sebaka se tlatseNtshetsopele ya Moruo wa Selehaeng, wa ditjhelete le wa sebopeho jwalo ka motheo o tsitsitseng wa phethahatso e tsamayang hantle.
Moralo wa Taolo ya koduwa.
Sephetho: Ho tiisa hore pele moralo o amohelwa ke Lekgotla la Mmasepala, baamehi bohle ba loketseng le batho ba nang le thahasello, ho kenyeNtshetsopele ya Moruo wa Selehae le mahlakore a mang a mmuso a fumane sebaka sa ho hlahisa maikutlo hodima moralo o rerilweng, mme ka ho etsa jwalo moralo o amohetsweng o tla be o fuwa matla a tsitsitseng a motheo, tshehetso le tokelo.
Kananelo ya qetelo ya lekgotla.
Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele o lokisitsweng le o amohetsweng.
Esale ho na le pherekano pherekano e itseng ka kabo ya mesebetsi dipakeng tsa Ditereke le Bommasepala ba Selehae (TLC, TRC) tshebetsong ya LDO/MKN. Naa Ditereke a lokela ho tswela pele ka ho rala le ho theha moralo wa tshebetso jwalo ka metheo ya moralo wa boemo ba selehae Kapa naa boemo ba selehae bo lokela ho tswela pele pele, mme bo lese Ditereke ho hlahisa moralo o lokisitsweng le o tlatseNtshetsopele ya Moruo wa Selehaeng ho latela motheo wa meralo ya selehae?
Tshebetso ya ho seha meedi e tswetse hore ho tliswe phetoho ya motheo kabong ya mesebetsi le dikamanong tsa Ditereke le Bommasepala ba selehae. Nakong e fetileng, mesebetsi ya maemo ana ka bobedi e ne e sa rarahana haholo: Ditereke a ne a lebeletswe boholo hore a shebane le dibaka tse akaretswang ke Bommasepala ba selehae. Ntle le moo, a ne a etsa moralo wa sekala wa setereke le phethahatso ya mananeo. Jwale, ho se ho tla ba le bommasepala ka mahlakoreng ohle. Ka mokgelo wa Dibaka tse Laolwang ke Ditereke, ditereke di tla jara boikarabelo ba dibaka tse tshwanang le tsa Bommasepala ba selehae. Karolelano ya boikarabelo le dibaka tse tshwanang le tse taolong ya bommasepala ba selehae e hloka tshebedisano, ho feta hore lehlakore le itseng le sebetse le itshehlile thajana mafapheng a fapaneng?
Hona ho hlalosa ho hong mabapi le tshebetso ya MKN. Ho latela Molao wa Dibopeho tsa Bommasepala le Molao wa Ditsela tsa tshebetso tsa Bommasepala, mekgahlelo ena bobedi ya mmuso e lokela hore e atolose MKN jwalo ka karolo ya bohlokwa le sesebediswa sa taolo ya le mokgwa wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Ho qoba phethako ya mosebetsi, tshebetso tse pedi tsena tsa moralo di lokela ho nyalanywa.
Tlhatlhobo le tlhotlhomiso ya ditlhoko le mathata ho latela bohlokwa e tlameha ho etswa ka mokgwa wa hore bohle ba fuwe kabelo, ho kenyeletswa le baahi ba sebaka sa tikoloho e amehang le baamehi ba bang. Lesedi le mabapi le ditshebeletso tse haellang le e mabapi le bokgoni le tlameha ho toba tikoloho e itseng. Ka hoo, sena se tlameha ho etswa ke Mmasepala wa Selehae, e leng ona o haufi le baahi.
Bo-Mmasepala ba Selehae le bo-Mmasepala ba Setereke ba hloka ho ba ditlhophiso tsa bona le ditokomane tsa ditlhophiso haeba Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele o tla ba le seabo hodima ho fetolwa ha mmuso wa selehae le hore na e fana ka tshehetso hodima ditekanyetso tsa mmasepala le merero ya tshebetso. Ka hoo, moralo o le mong boemong ba setereke bakeng sa dibaka tsa mebuso ya selehae kahare ho setereke, o ke ke be wa anela hore Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele e tle e be sesebediswa sa ntshetsopele ya mebuso ya selehae.
Ho na le ditsela tsa tshebetso tsa lewa le tsa ho etsa diqeto tseo sebopeho sa teng se tshwanang le bo-mmasepala bohle, le tse hlokang bokgoni ba boemo bo hodimo ba ho fana ka thuso le mahlale a profeshanele, ha mmoho le kameho ya ditsebi tsa boemo bo tswang makaleng le boemong ba selehae.
Ka hoo, tlhaloso ya mekgwa ya tshebetso ya lewa e ka etswa ka ntlafalo ke ha e kopa netswe ke bo-mmasepala ba selehae kaofela, ha mmoho le bahlanka ba tswang diterekeng le bahlanka ba provense ba boemong ba setereke.
Kgoka hanyo ya tshebetso e ntle pakeng tsa bo-mmasepala ba atomela neng le pakeng tsa boemo ba selehae le ba setereke.
Nakong ya Mohato wa 1, mohato wa tlhophollo, ho hlwauwa ha dintlha ka tlhophollo le seabo sa ba nang le seabo, boholo ba tshebetso ya ditlhophiso bo tla ba boemong ba selehae, ha Lekgotla la Setereke le ka nna la tswella ka tlhophollo e mabapi le dintlha tse amang setereke (ntle le ho ba le seabo ka ho otloloha tshebetsong ya seabo sa ba nang le seabo ka bo lona).
Nakong ya Mohato wa 2, mohato wa ho loha mawa, boholo ba tshebetso, ka morero, bo tla ba boemong ba Setereke, le ha ho tla nne hobe le dintlha tse amang mmasepala wa selehae, tse hlokang mawa a selehae ka ho otloloha. Bommasepala ba selehae ba tshwanela kkeho mengwa diwekshopong tsa mawa a tshebetso a mabapi le dintlha ka bonngwe tsa sehlooho, hore mmoho, a tle a buisa ne ka tsela ya ho rarolla ditshita tshebetsong. Ditsebi boemong ba Naha le ba Provense le batho ba nang le bokgoni ya tswang ho kahare ho setjhaba ba ka mengwa ho phehisa tshebetsong ena, mme tshebetso ena e tla tsamaiswa ke basebetsi ba Ditsi tsa PIMS boemong ba Setereke. Ke yona tikoloho moo batho ka dibaka ho fapana ba kopanang ka makala le ba ba okaselehaeng?
Nakong ya Mohato wa 3, mohato wa tlhophiso ya projekte, mmasepala ka mong o tlameha ho etsa mosebetsi wa ona: o fetole mawa a tshebetso ho ba diprojekte tsa selehae tse tsitsitseng tse tla ba le tshwaetso hodima ditekanyetso le meralo ya tshebetso?
Ho jwalo feela ka Mohato wa 4, (ho kopanngwa) oo ho ona mmasepala wa selehae le wa setereke o tla lekola le ho kopanya ditshisinyo tsa diprojekte hore ho fihlellwe meralo e kopanetsweng le mananeo e le boitshetleho ba metjha ya tsa botsamaisi?
Nakong ya Mohato wa 5, (ho amohelwa), Ditereke di tla ba le seabo sya bohlokwa bohoka hanying ba dintlha tse pakeng tsa mmuso wa selehae.
Moralo wa boemo ba selehae le boemo ba Setereke ka lebaka le jwalo ese e tla etswa ka nako e le nngwe, empa e tla sebedisana le ho thusana mmoho, ho fapana le ho sebedisa mokgwa o sebetsang ka lehlakore le le leng wa hore dintho di tloswe fatshe ho leba hodimo kapa di theolwe di tswa hodimo ho leba fatshe.
Tse tshwailweng tjena ke tse lokelang hore di etswe ka nako e nngwe ya moralo wa msebetsi; ha ho nako e nngwe e hlokehang ka thoko.
Ho tla itshetleha bokgoning ba moifo o aheletsweng kahare wa mmasepala hore mmasepala a tle a nehelane ka mehlodi ena kapa ke mehlodi e tla hirwa Ditsheng tsa PIMS kapa difemeng tse khonsaltang. Ditlhoko di amana le letoto la mahlale a fapaneng haholo mme ha se mosebetsi o ka etswang ke khonsaltente e le nngwe ka mokgwa ofe kapa ofe. Bongata bo itshetlehile boholong ba mmasepala le mofuteng wa dintlha tseo ho tshwaranweng le tsona.
Boholo ba Sebopeho le dikahare tsa tokomane ya MKN (ho qhelelwa ka thoko dikahare tseo tse hlahellang ho Molao wa Tshebetso ya Mmasepala) e itshetlehile hodima qeto ya mmasepala ka mong. Ka hoo, lenane la dikahare ha le a tshwanela ho ngolwa.
Leha ho le jwalo, lenane la dikahare, ke ntho ya bohlokwa bakeng sa ho fana ka moelelo wa ka moo MKN e ka bang ka teng. Mohlala o latelang o ka leka ho fana ka setshwantsho, empa ho se thibelwe motho ho ka ba le mohopolo wa hae.
Ho thehwa ha Meifo ya tshebetso ya diprojekte?
Lenaneo la Dipeheletso tse Kgolo la dilemo tse 5.
Mmuso wa selehae a sebetsana le boemo bo teng. Phephetso e kgolo ya tsamaiso ya mmuso wa selehae Mohatong wa Tlhophollo ke ho tsepamisa maikutlo dintlheng tse tshwanetseng tsa boemo. Nakong e fetileng, baradi ba meralo ba ne ba tlwaetse ho hlophisa lesedi la mefuta yohle ka mokgwa o akaretsang.
Ena ke tshebetso e bitsang haholo mme e sa hlokeheng e tla fella e le dibuka tse tla bokella lerole dishelefong tsa dibuka, e leng se hlohleletsang Ntshetsopele ya Moruo wa Selehae ka kutlwisiso e reng moralo ke tshebetso eo eseng ya bohlokwa boemong ba ditlhoko tse potlakileng le mehlodi e haellang.
Ho amohela MKN e le karolo ya tsela e kopanetsweng ya taolo ho hloka hore ho botswe hore naa ke lesedi la mofuta ofe le hlokehang hore ho fihlellwe diqeto tse tshwanetseng tsa tsamaiso. Hona ho bolela hore ho boikarabelong ba tsamaiso ya mmasepala mme boikarabelo ha se ba diprofeshenale tse etsang moralo kapa ha se boikarabelo ba melawana ya provense hore ebe yona e etsang qeto hodima ditlhoko tsa lesedi.
Ke diphetho dife tse hlokehang Mohatong wa Tlhophollo Ka mantswe a mang, bommasepala ba hloka ho tsebo efe hore ba fihlelle diqeto tsa lewa tsa selehaeng phethahatsong hore ba kgone ho sebedisa hantle mehlodi ya bona e haellang Molao wa Tshebetso ya Mmasepala ha o laeletse letho ntlheng ena. O hloka feela tlhatlhobo mabapi le boemo bo teng jwale ba ntshetsopele, ho kenya Ntshetsopele ya Moruo wa Selehae le ho hlwauwa ha setjhaba se hlokang ditshebeletso tsa mantlha tsa mmasepala?
Lesedi le tshwanela ho dumella mmasepala ho nka qeto hodima dintlha tsa sehlooho kapa mathata, ka morao hoba maikutlo a setjhaba/baahi le dintlha ha mmoho le dipalopalo tse teng, di nkelwe hloohong.
Batho ba etsang diqeto ba mmasepala ba tshwanela hore ebe batho ba nang le tsebo ya sebopeho se phethahetseng sa dintlha tsena tsa sehlooho kapa mathata, a jwalo ka ditshekamelo, moelelo, disosa le tshusumetso e amanang le dintlha tsena, hore ho tle ho fihlellwe diqeto tse bontshang kutlwisiso ya dintho mabapi le tharollo tse tshwanelehileng (ho fapana le ho okola ditaba feela ka hodimo).
Batho ba etsang diqeto ba mmasepala ba tshwanela ho lemoha le ho tseba ka theepa e teng le maruo a teng a ka fumanehang ha mmoho le mehlodi ekasitana le kgaello tse teng mehloding pele ba nka diqeto tsa mawa.
Tlhatlhobo ya boemo bo teng ba ntshetsopele (ka tebiso e ikgethileng ho dikgeo tsa ditshebeletso).
Lesedi mabapi le boemo ba dintlha, le sesosa sa dintlha tsa sehlooho.
Ho na le ditsela tse fapaneng tse ka bang teng tsa ho fihlella diphetho tsena.
Ke ntlha ya bohlokwa ho tseba maikutlo a baahi ka ditlhoko tsa bona (tadima Moralo wa mosebetsi 1/2). Empa, ho sa ntsane ho hlokeha ho tseba dintlha le dipalopalo, mohlala, mabapi le dikgeo tse teng ditshebeletsong kapa leqemeng la mosebetsi (tadima Moralo wa mosebetsi 1/1). Diqeto tse ntle ha di ke di itshetleha ka maikutlo kapa tsona dipalopalo feela empa di tlameha ho nkela hloohong le tsohle, ho bapisa tsohle, le ho hoka hanya mehlodi ya lesedi yohle ho fihlella setshwantsho se felletseng sa boemo ba ditaba (Bala Tshebetso ya Moralo 1/3).
Ho na le tlhokeho ya ho sheba maemo, e seng feela ka lehlakoreng la setjhaba le ba nang le seabo, empa le ka lehlakoreng le batsi la mmasepala, Dintlha tsa bohlokwa tsa masepala di ngata ho feta ditlhoko tsa setjhaba le dihlopha tsa ba nang le seabo ba ahileng kahare ho mmasepala eo.ho ka nna haeba le dintlha tse fapaneng tse nyalanang, jwalo ka ho fallela ha batho ba bangata moo, ho putlama ha moruo, mathata a amanang le HIV/AIDS, metjha ya botsamaisi e boima le mathata a tikoloho, a ka se fuma neng mohlodi wa ona ho tlhophollo ya selehae. ka hoo, re kgothaletsa tshebetso ya moralo ba boemo ba mmasepala ho hlwaya le ho lekola dintlha tse jwalo (Moralo wa mosebetsi wa 1/4).
Tlhophollo ha e a tshwanela ho ba ya lekala le itseng. Ho seng jwalo mehopolo ya lekala ka leng e tla tlisa lenane le tebileng la dintlha tse jwalo, ho fapana le ho shebana le dintlha tse potlaketsweng le ho hlokwa ke batho.
Tlhophollo ya sebaka e hlokeha e le boitshetleho ba ho rala moralo wa ntshetsopele ya sebaka o tsamaisanang le mawa a DFA a ntshetsopele ya sebaka (Moralo wa mosebetsi wa 1/5).
Bommasepala ba bang (ka ho otloloha boemong ba A le C) ba ka nna ba nka qeto ya ho etsa tlhotlhomiso e akaretsang tlhophollo ya makala le molemong wa mahlakore a tsa moruo, tikoloho le mmasepala (Moralo wa mosebetsi wa 1/4a-c).
Ka ha mona e tla be e le ho namalatsa haholo, ebile e le ntho eo feela ho bommasepala ba boemo ba B, ba ke keng ba e kgona, ha re kgothalletse sena ha jwale. Re ka mpa ra kgothaletsa tshebetso e tobaneng le dintlha kahare ho "Tlhophollo e batsi ya Mmasepala" (1/4) e ka sebedisang tsebo e teng (ho kenyeletswa le dipatlisiso tse teng) e ka nnang ya itshetleha hodima kgopolong tsa diprofeshenale tse bontshang tsebo ho fapana le tlhophollo tse nepahetseng.
Dintlha le dipalopalo tse tsebahalang tsa mantlha ka tsela ya tshebetso ya mmasepala, ho tsa maemo a moruo le dintlheng tsa tikoloho di tshwanela hore di be di se di kenyelNtshetsopele ya Moruo wa Selehae pokeletsong ya lesedi le teng (1/1)?
Phephetso e kgolo Mohatong wa Tlhophollo ke ho nka mohato wa ho kopanya dikotwana tsohle tse entsweng maemong a fapaneng le dibakeng tse fapaneng ka mekgwa e fapaneng ho hlophisa lenane la dintlha tsa bohlokwa tse akaretsang bohle le lesedi lohle. Ke pokeletso le tshekatsheko ya lesedi e tlamehang ho etswa pele Foramo ya Boemedi ho tsa MKN e ka fihlella qeto e tsitsitseng le lenane la dintlha tsa sehlooho ka tsela e nang le ponaletso. (Moralo wa mosebetsi 1/7).
Ka morao hoba dintlha tsa sehlooho ho dumellanwe ka tsona, ho ka hlahella hore sebopeho sa dintlha ha se a hlaka hantle. Re ka nna ra tseba hore boholo ba baahi bo hloka metsi a hlwekileng empa ra se tsebe hore kgaello ya phepelo ya metsi a hlwekileng e qoswa ke mehlodi ya metsi e siyo, mathata a tsa thekniki, tsela ya tsamaiso ya metsi e sa nepahlang, motjha wa sekepele sa tefo o kgothaletsang tshebediso e hodimo ya metsi, kapa kgaello ya matlole a dipeheletso.
Lesedi le jwalo le ha ho le jwalo, ke la bohlokwa bakeng sa ho fumana ditharollo tse tshwanetseng. Maemong a jwalo, a dintlha tsa sehlooho tsa lesedi le haellang, tlhophollo e tebileng e nkelang hloohong le kgaello ya lesedi e ka amohelwa (Moralo wa mosebetsi wa 1/8 le 1/9 bakeng sa ditlhoko tsa makala tse qoholehileng).
Lesedi le bokeletsweng nakong ya Mohato wa Tlhophollo ke la bohlokwaea bakeng sa ba nang le seabo ba amehang ho ya pele tshebetsong ya ho hlophisa le ho etsa diqeto. Seo se bolela hore, le tlameha ho kgutsufatswa mme le abjwe hore le sebediswe Mohatong wa 2 (Moralo wa mosbetsi wa 1/10). Ho ka fetolela mabaka ka lehlakoreng le leng: Ke feela lesedi le tla sebediswa nakong ya mehato e tswellang ya tshebetso ya MKN le ka bokelletswang. Ka hoo, potso ya botsamaisi: molemo wa hore re tsebe sena ke ofe e tlameha ho tataisa tsohle tse etsahalang Mohatong wa 1?
Ho fapana le ho bokelletsa lesedi le teng (tshebetso wa 1/1) le ho etsa tshebetso ya tlhophollo ya tsa setjhaba le ba nang le seabo (tshebetso ) ka tsela e aroha neng ka hohle hohle ho ya ka makala, bommasepala ba tshwanela ho leka ho heletsa tsohle ba etse ntho e le nngwe?
Tlhophollo ena ha se tshebetso e e akaretsang, e senyang mehlodi ya nakong e fetileng. E hlaloswa, le ho laolwa ke dintlha tsa sehloho tse hlwauweng ke tshebetso ya MKN. Mohato wa Tlhophollo ya MKN o ka ananela maemo a renang le ditlhoko tse akaretsang (jwalo ka morabo, ba abelwang ditshebeletso, tlhophollo ya mathata a mehlodi ya ditjhelete le basebetsi). Dintlha tsena tse akakaretsang tsa moralo ba lekala tse ka nnang tsa ipheta di tlameha ho kenyeletswa ho Pokeletso ya Lesedi le teng 1/1 ha mmoho le ho hlwauwa ha dikgeo ditshebeletsong tse amang lekala (mabapi le ditshebeletso tsa sehlooho). Qeto ya ho kenyeletsa kapa ho se kenyeletse dintlha tsa tlhophollo ya tsa thekniki kahare ho tlhophollo e tebileng (1/8) kapa ho sebetsana le tsona ka nako e le nngwe e tla itshetleha hodima boemo ba lekala mabapi le dintlha tsasehlooho tsa mmasepala?
Boikamahanyo le lekala bo supa tlhokeho ya ho atolosa maikutlo a tlhophollo ya mathata a amang mehlodi ho feta dintlha tse mabapi le bokgoni ba basebetsi le tsa ditjhelete hore ho kenyelletswe le mehlodi ya tlhaho e jwlao ka metsi, mobu le tikoloho. Dintlha tse mabapi le lekala lena le boitsebelo bo mabapi le lona bo tshwanela ho kenyeletswa kahare ho Tlhophollo ya Boemo ba Mmasepala (1/4) le Tlhophollo e Tebileng (1/8 le 1/9).
Mmasepala ka mong o tshwanela ho amohela, ka dilthophiso tsammasepala mabapi le MKN tse etseditsweng dikgoka hanyo le makala, ka ho otloloha se fetisetswang ho tshebetsong ya MKN le tshebetso tse tsamayang mmoho le tlhophollo (le mehatong e latelang). Molralo wa mosebetsi wa 1/9 (e hlomathisitsweng) e fana ka tataiso ntlheng ena.
Se lebale dintlha le dipalopalo!
SEPHEO: Ho etsa bonnete ba hore bohle ba nang le seabo moralong ba tseba le ho fumantshwa dintlha le dipalopalo tsa sehlooho tse amanang le maemo ka kakaretso a renang ha jwale.
Maemo a ditshebeletso le dikgeo ditshebeletsong bakeng sa ditshebeletso tsa mantlha tsa setjhaba tsa selehae, tse tobileng batho ba itseng le tsa ditlhoko tsa sehlooho.
Mehlodi ya ditjhelete e arohanngwang ke mohlodi wa tjhelete e kenang le mofuta wa ditshenyehelo.
Pokello ya ditlhoko tsa leano la bohlokwa.
Tlhotlhobo ya boemo ba ditaba ba hona jwale e tlameha ho kgutlelwa ho pokeletso kapa ntlafatso ya lesedi. E se ke ya kenyeletsa dipatlisiso tse mabapi le lesedi le sa tsejweng.
dikgeo ditshebeletsong le hodima mehlodi e ka nnang ya thusa ho rarolla mathata.
Lesedi lena le tshwanela ho amanngwa le sebaka se itseng mme le arohanngwe ho latela palo ya batho.
Ho tle ho kenyeletswe le sekgahla seo HIV/AIDS e atang ka sona kapa dikakanyo tse hlwahlwa?
Pokeletso ya MKN e tlameha hore e laolwe ke Komiti e Etellang pele tsa MKN.
Bahlanka ba tsa thekniki bohle ma bommasepala ba tshwanela ho bokelletsa lesedi tlasa mosebetsi o boikarabelong ba bona.
Makala a Naha le a Provense a tshwanela ho fana ka lesedi le mabapi le mehloodi le ditshebeletso tsa bona.
Ditsebi tsa dikhonsaltente ha di hlokwe hore ho bokeletswe lesedi lena la mantlha.
Ditlhoko tsa lesedi bakeng sa ho etsa diqeto tse nepahetseng di kgeswa haholo. Dintlheng tseo ho tsona lesedi le nepahetseng le leng siyo tsebo ya diprofeshenale e ka thusa ho theha kutlwisiso ya boemo ba ditaba. Ho molemo hore o nepe ka ho akaretsa ho fapana le ho fosa ho hang!?
Ho boima ho hlalosa dintlha tse amanang le setjhaba mabapi le boleng ba tsona. Haeba ho se na dipalopalo tse ntlafaditsweng, hlwaya ditlwaelo tse atileng.
SEPHEO: Ho etsa phehiso ya boemo boo ho bona tshebetso tsa mmasepala di tla nkela hloohong le ditlhoko tsa sehlooho le ho akaretsa mekutu e tlang ka batho.
HOBANENG Hodima moo, tshebetso ya seabo sa batho e tshwanela ho thusa baahi ho hlokomela bohlokwa ba MKN bakeng sa boleng ba bophelo ba bona?
Kgutsufatso ya ditlhoko tsa sehlooho tsa baahi/setjhaba/ba nang le seabo ho fapana ka dibaka, maemo setjhabeng le bong.
JWANG baahi/setjhaba/ba nang le seabo ho nkela hloohong le ditlhoko tseo tse fapanang ka dibaka, maemo setjhabeng le bong?
le ho kgothaletsa seabo sa bona.
ho thehwa ha Foramo ya Boemedi ya MKN.
ho fa setjhaba le ba nang le seabo monyetla wa ho tshwara dikopano ka nako e itseng ka puo kgethilweng ke bongata ba batho ho sa lebalwe seabo sa ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ho lekola sephetho sa tshebetso ya boemo ba setjhaba le sa ba nang le seabo tlhophollong tse ding tse tswellang.
Ditereke, mekgatlo ya ba nang le seabo le ba tinngweng menyetla.
Tsebisa ditho ka tsela e hopotsweng ya ho kenyeletsa seabo sa bona le mehato.
Ha ho hlokeha, ba fe tataiso e mabapi le ka moo kopano e hlophiswang ka teng.
Foramo ya Boemedi ya MKN ke yona e bohareng ba seabo sa batho.
Ditho tsa lekgotla la Wote le Dikomiti tsa Wote ke tsona tseo leng tsa bohlokwa tsa ho hlophisetsa seabo sa setjhaba.
Boemedi tsa ba ba nang le seabo ba lokela ho hlophisetsa seabo sa ba nang le seabo.
Makgotla a Marena a tlameha ho nkwa ele a bohlokwa ebile a na le seabo sa bohlokwa dibakeng tsa selehae eo eseng ya diteropo.
Batho ba nang le boitsebelo bo itseng jwalo ka Leqwetha ba tshwanela ho thonngwa bakeng sa ditlhoko tsa batho ba kotetsweng le ba hlokang boemedi.
Ho tshwanela hore ho be le tlhophiso e ntle ya diboka tsa diwekshopo.
Metjha yohle e sisisntsweng e ikamahanya le ditlhoko tsa moralo wa lekala.
Ho behelwa ka sehloohong ha mathata/ditlhoko ke ntho ya bohlokwa.
Mathata/Ditlhoko tsa sehlooho di tshwanela ho totobatswa ka ho fana ka dintlha le dipalopalo bonyane/bongata, boleng, batho ba amehang, dibaka, nako le mahlakore.
Bakeng sa tshebediso ya lesedi le teng nakong ya tlhophollo ya boemo ba setjhaba le ba nang le seabo bala Tshebetso ya Moralo 1/3.
Kopano ya pele ya Foramo ya Baemedi ba MKN: Letsatsi le le leng.
Nako e tla sebediswa bakeng sa kopano tsa baahi/baamehi: Kgwedi e 1.
Wekshopo ya tlatsetso ya Foramo ya Baemedi ba MKN: 1-2 matsatsi.
Ke nnete efe eo e leng ya bohlokwa?
Dikeletso tsa ho bopa tsela ya tshebetso: Ho ka fihlella kutlwisiso ya ditaba, ho hlahlojwa ha sephetho sa lesedi le maikutlo a batho ho a hlokeha.
Sephetho sa nakwana sa "pokeletso ya lesedi le teng" di fetisetswa ho Foramo ya Boemedi ya MKN le ho bao ba amehang diwekshopong tsa setjhaba/ba nang le seabo e le batsamaisi kapa batho ba nang le tsebo.
Nakong ya diwekshopo tsa setjhaba/ba nang le seabo bohle ba tobane le lesedi la tlhophollo e entsweng ebang lesedi leo le supa ntho e nngwe e hohlanang le maikutlo a batho ka mathata a bona.
Ba okaselehaeng "Pokeletso ya Lesedi le Teng" ho kenyeletswa bahlanka ba tsa thekniki batshwanela ho ba teng dikopanong tsa Foramo ya Baemedi ya MKN.
Ho phepetsa batho ka dintlha ke taba ya bohlokwa hore ho fihlellwe sephetho se batsi sa tshebetso ya seabo sa batho. Bao ba tsamaisang dilthakisetso tsa phehiso ya batho ba tshwanela ho tseba bonnete ba ditaba sebakeng seo ba leng ho sona.
Lesedi ha le ke le fane ka bopaki bo anetseng bakeng sa mathata. Mehopolo ya batho e ka supa mathata a sa hlahisweng ke lona. mehlodi yohe ya lesedi e tlameha hore e kopanngwe.
Tlhoko ya nako nakwana Ha ho nako e nngwe e fetang mona e tla hlokeha.
Ho tadima setshwantsho se feletseng ho totobatsa tse ngata ho feta palo ya karolwana ya sona!
HOBANENG amanang le mmasepala le botsitso ba mmasepala ka kakaretso?
Ho hlwauwa ha tlwaelo tsya bohlokwa, le mathata a mang a amanang le sebaka sa mmasepala le mmuso wa mmasepala ka kakaretso.
ENG mathata ana?
Kameho ya Foramo ya Boemedi ya MKN le basebeletsi ba nang le bokgoni ho tsa moruo, tikoloho le metjha ya tshekamelo tsa kahare ho setjhaba.
JWANG ho bokelletswa ka tlasa sehlooho sa dintlha tse jwalo ka moruo, tikoloho, jwalo jwalo?
Le ha tlhophollo ya ditlhoko/tlhophollo ya mathata a seabo sa baahi e tswella boemong ba setjhaba le ba nang le seabo ho tshwanela hore ho be le diboka tsa diwekshopo.
HIV/AIDS, komello, ho falla ha baahi, ho fetolwa ha tsamaiso le ho nkelwa hloohong ke dihlopha tsa diphuputso.
Komiti etelletsengpele tsa MKN e tlameha ho hlwaya dintlha tse tla tshohlwa diwekshopong ke ba tla ba le seabo.
Batho ba nang le tsebo ba lokela hore ba atamelwe ka mathata a akaretsang, ha ho holo mathata a tshwanang le HIV/AIDS, ho netefatsa hore dintlha tse fanang ka mathata empa e le tsabohlokwa ha di kgeswe.
Ditho tsa Foramo ya Boemedi ya MKN di mengwe ka mehla., ho netefatsa hore kamano eo pakeng tsa dintlha tsa setjhaba le ba nang le seabo mmoho le tse nyalanang ha di lebalwe.
MANG ho ngola dintlha tsa bohlokwa ka tsa diwekshopo?
Ho netefatsa hore dipuisano hodima dintlha tse felang di ama baahi ha di arole tshebetso ya tlhophollo ho latela mekgahlelo e latelang ya "tikoloho", "moruo" , "setjhaba" le "mmasepala".
bommasepala ba Mohato wa A le C mmoho le Bommasepala ba mohato wa C ba nang le mehlodi e ntlafetseng a kanna a etsa dipatlisiso tsa profeshanele tsa tikoloho, moruo, tlhophollo ya tsa setjhaba le mmasepala e le karolo ya Mohato wa Tlhophollo ya tshebetso ya MKN, kapa a ka na a ba boemong ba ho sebedisa dipatlisiso tse teng. ditereke di tlameha ho etsa dipatlisiso hodima setereke sohle molemong wa bommasepala ba bang bohle sebakeng seo (bala 1/4a-c). Ho bommasepala ba hlokang le yona mehlodi, tlhophollo tsa mofuta o jwalo di ka bitsa haholo ntle le haeba di ka tshehetswa ka matlole a tswang ka ntle ho mmasepala. Bommasepala bana ba tlameha ho sebedisa mehlodi ya ditshebeletso ka paballo le ho sebedisa keletso tsaprofeshanele ebang di le teng ya tswang ho ho tlhophollo tsa ditereke.
Lesedi la sehlooho la tsa Moruo (mesebetsi, a moruo)Tshebetso e entsweng.
Ho etswe monyetla wa lesedi le letjha bakeng sa setereke sohle mme e qalwe ke makgotla a ditereke, ntle le haeba Mmasepala wa boemo ba B a bona tlhokeho eo, mme a ena le bkgoni ba ho etsa dipatlisiso tseo bakeng sa sebaka sa ona.
O se ke wa etsa tlhophollo ya tsa moruo sehlooho sa seboka sa diwekshopo kapa mosebetsi wa sehlopha ka nako ya dipuisano tsa dihlopha.
Tlhokeho ya nako a Pokello ya lesedi le teng la moruo?
Hobaneng tshireletso le tsamaiso ka kakaretso?
Lenane le le kgutshwanyane la mathata a maholo a tikoloho le tlhaloso e kgutshwanyane ya bothata bo bong le bo bong sebaka, batho ba amehang, boholo ba bothata, sesosa.
Lenane la ditshoso tse kgolo tshireletsong ya tikoloho le mathata ho kenyeletswa mathata a kotsi tsa koduwa ka tlhaloso e kgutshwanyane.
W/r tseleng ya tshebetso.
Ho hlophisetsa tlhophollo ya tsa tikoloho ke mosebetsi o kenyeletsang dipatlisiso le mosebetsi wa ka ofising, ho fapana le sehlooho bakeng sa seboka sa ditlhaskisetso. Lesedi lohle le mabapi le mathata le ditshoso tshireletseho ya tikoloho kahare ho mmasepala le tlameha ho nkelwa hloohong e le boitshetleho bakeng sa seboka sa diwekshopo tsa boemo ba mmasepala se sebetsanang le Tlhophollo Boemong ba Mmasepala?
Ho matsohong a Foramo ya Boemedi ya MKN ho nka qeto ho sa lebalwe lesedi la la tlhophollo ya tsa tikolohoebang ntlha e itseng ya tsa tikoloho e tla ba ya sehlooho ho Mmasepala.
Bongata ba bommasepala ba boemong ba B bo ka se kgone ho qala ka dipatlisiso tsa tikoloho ho ka fumana lesedi le leng e le karolo ya tshebetso ya MKN.
JWANG Mmasepala Boemong ba B o bona tlhokeho eo, mme a na le bokgoni ba ho etsa dipatlisiso tseo bakeng sa sebaka sa ona?
O se ke wa etsa tlhophollo ya tsa tikoloho sehlooho sa seboka sa diwekshopo kapa mosebetsi wa sehlopha ka nako ya dipuisano tsa dihlopha. Le ha ho le jwalo, ho ka nna haeba le dintlha tse itseng tse qoholehileng tsa tikoloho (jwalo ka tshilafatso ya moya kapa dikgohola kapa ho tjha ha moru) ebang di hlwauwa e dintlha tsa sehlooh otsa mmasepala.
Boemong ba Mmasepala.
Ditho tsa lekgotla le Basebeletsi (Boitlhophollo).
ke tshebetso e tswellang nako ya Mohato wa 1 mme e sa thibelwe ke Moralo . E mong ho ba mmasepala o tlameha ho netefatsa hore hore dintlha tsohle tsa mmasepala di ngolwa fatshe mme di kgutsufatswe qetellong ya Mohato wa 1?
JWANG tshebetso ya MKN. Tshehetso ya mofuta ona ha e hlokehe ha jwale, feela e tla nne e fihlellwe, mohlomong ha ho fetolwa ka ho phethahala tsamaiso ya mmasepala?
Motsamaisi wa Mmasepala, jwalo ka hlooho ya tsamaiso ya mmasepala, o tshwanela ho nka boikarabelo bohle ba ho netefatsa hore dintlha tsa mmasepala di nkelwa hloohong ka ho phethahala nakong ya tlhophollo. Ka ha dintlha tse amang mmasepala le sephetho tse tla hlahela tlhophollong di sa hlaka hantle kahare ho tsamaiso tsa bommasepala, mosebetsi ona o ka se etswe ke mosebeletsi ya tlase, kapa mohlanka wa lekala le itseng la mmasepala.
Boitlhophollo ba matla le bofokodi ba puso ya mmasepala e hloka motsamaisi ya nang le mangolo le boikemelo.
Ka ha tlhophollo ya mmasepala e hlile e ama ditabatabelo tsa ditho/basebeletsi ba mmasepala, ho bohlokwa hore ho se mamelwe maikutlo a ba kahare ho mmasepala feela a ka nnang a ba le leeme) empa le maikutlo a tswang bathong ba kantle (kapa lehlakore la di tla ente/baahi ba fumantshwang ditshebeletso.
Maikutlo ana a kantle kena ha ho hlophollwa ka tsela e tebileng. Dintlha tsa bohlokwa tsa Baahi tse lokelang hore di tadingwe pele ho tse ding kaofela ha mmoho le ha ho hlophollwa disosa ka botebo. (Moralo wa mosebetsi 1/9).
Letsatsi le le leng nkong ya mohato wa 1.
Ha o tsebe ntho ha o sa tsebe moo e etsahalang teng.
Mathata a meedi ya sebaka, mathata, menyetla, ditshekamelo le ditsela tse itseng tsa diketsahalo.
Tlhokeho ya ho hlophisa sebaka ka tsela e ntjha.
Lehlakore la sebaka la ditaba tsa ntshetsopele.
Tlhophiso ya dintlha tsa ntshetsopele tse mabapi le sebaka tse hlwauweng ho 1/1, le ?
Tlhophiso ya metjha e meholo ya sebaka, ditshekamelo jwalo ka metjha ya phallo ya baahi, mathata le menyetla.
tlhophollo boemong ba mmasepala; le tlhophollo ya setjhaba le moruo.
Mathata ohle a ka hlwauwang kapa a emelwa sebakeng se itseng a lokela w/r tseleng ya tshebetso hore a ralwe.
Tlhophollo ya metjha ya sebaka le ditshekamelo e tshwanela ho ba ntlha e nkelwa hloohong Tlhophollong ya Boemo ba Mmasepala?
Ho Bommasepala ba nang le mafapha a ho rala (sebaka) kapa karolo ya basebeletsi, ofisi e jwalo e lokela hore e fuwe boikarabelo ba ho hlophisa tlhophollo ya sebaka.
Bommasepala ba hlokang bokgoni ba moralo wa sebaka ba lokela hore ba fumane moradi wa sebaka ho etsa mosebetsi oo.
Ha ho tshebetso e tla ikemela, empa ho tla ba le seabo sa setsebi sa ho rala sebaka mosebetsing wa tlhophollo bakeng sa beke e le 1 (nngwe).
Ditlhoko tsa nako di itshetlehile boholong/bonyenyaneng ba mmasepala.
Ka nakwana e behilweng ho a kgonahala hore lesedi le teng le hlophiswe ho latela dibaka.
HOBANENG ho sebetsanwe hantle le lahlojwe phokotso ya bofuma le taba ya tekanyo ya bong?
Lesedi la Pokeletso ya Lesedi le teng?
ENG latela maemo setjhabeng le bong?
Ha ho tsela ya tshebetso e ikeselehaeng e hlokehang. Ho fapanya tsa moruo le tsa phedisano ya setjhaba le bong ke motjha o mong wa?
Lesedi le teng le Tlhophollo ya Setjhaba le ya Baamehi?
Tlhophollo ya Boemo ba Mmasepala?
le kgahlamelo ya bofuma.
Foramo ya Boemedi ya MKN. Ha ho etsahala hore batho ba futsanehileng ba hloke boemedi, batho ba nang le bokgoni ba tshwanela ho thonngwa bao e tla ba maqwetha a batho bao ba jwalo?
Mmasepaleng ya nang le Mohlanka wa Ntshetsopele ya Phedisano, mohlanka enwa o tlameha ba setho sa Komiti e Tsamaisang MKN ho netefatsa hore ho latelwa tshebetso e fanang ka boemedi ho tsa bong le bofuma. Mmasepala ya hlokang mohlanka ya jwalo, o tshwanela ho fumana setsebi se jwalo nakwana.
Mohato wa Tlhophollo.
Bommasepala ba nang le bokgoni ba tshwanela ho sebetsa ho feta mona mme ba thakgole dipatlisiso ka boemo ba batho bao ba futsanehileng le hodima mathata a itseng a amanang le tsa bong.
Makala a tswang mmusong kapa dibaka tsa dipatlisiso a tle a qale ka dipatlisiso tsa setereke hodima dintlha tsa moruo wa setjhaba/bong molemong wa Mmasepala ba Boemo ba B.
Sepheo: Ho netefatsa hore mawa le mananeo a mmasepala a nkela hloohong le dintlha tsa mmasepala tse ka sehloohong ka kakaretso, mme nakong yona eo ho etswa le bonnete ba hore sebaka sa bohlokwa le ditlhoko tsa sehlopha se tobilweng ka ho ikgetha kapa mathata a bona di keke tsa lebalwa.
Dintlha tsa sehlooho tsa mmasepala ka kakaretso.
Kgutsufatso ya dintlha tse sehlooho tse qoholehileng tsa setjhaba le tsa batho w/r tseleng ya Sephetho ba nang le seabo.
Tlaleho ya dintlha tsa sehlooho tsa setjhaba, tsa baamehi le le mmasepala.
Kgutsufatso ya sephetho mabapi le ka kakaretso ditjhateng bakeng sa ho etsa papiso le boemo bo bohareng.
Ho fana ka tlaleho ya sephetho sa tlhophollo ya lesedi le mabapi le dikgeo ditshebeletsong le tshebetsong ya ho kopanya dintlha (bala Tshebetso 1/3 le 1/2).
Foramo ya Boemedi ya MKN.
Mosebetsi wa ditlhophiso o tshwanang le ho bokelletsa lesedi kaofela o lokela ho etswa ke Komiti e Tsamaisang MKN kapa ke motho ya thontsweng ke Komiti.
Ho kopanngwa ha dintlha tsa diboka tsa diwekshopo ke tshebetso e hlokang boitsebelo le tsamaiso ya boemo bo hodimo mme ho hloka motsamaisi ya nang le boiphihlelo.
Tshebetso ya tlatsetso e kenyeletsang sephetho se bohareng se tswang dihlopheng tse fapaneng tsa setjhaba le ho ba nang le seabo le poelanyo ya sephetho sa tlhophollo ya lesedi la ditlhophiso tsa boitokisetso. Tshebetso tsena ka bobedi di lokela ho etswa kopanong e le nngwe ya wekshopo.
Lesedi le mabapi le mathata le dintlha tsohle tsa setjhaba le batho ba nang le seabo ke la bohlokwa bakeng sa tshebetso e tswellang ya merero mme ha le a lokela ho lahlehe ha ho kopanngwa dintlha.
Le ha ka tshwanelo, ho hlwauwa ha Dintlha tsa sehlooho ho tlameha ho etswa ke mmasepala ho fapana le Mmuso wa Naha, ho teng dintlha tse pedi tse amang naha yohle tse nkwang di tshwanela ho fumanwa ho bommasepala babangata.
HIV/AIDS. Moo dintlha tsena di sa hlwauwang e le tsa sehlooho, ho fanwe ka mabaka.
HOBANEG - A nkela hloohong bokgoni, menyetla le mawala a ho rarolla dintlha tsa sehlooho?
Tlhophollo ya sesosa le tshusumetso ya sona.
Tlhophollo ya dintlha tsa sehlooho ka phethahalo.
Tlhophollo ya ditsela tse amanang le dintlha tsa sehlooho.
Tlhophollo ya bokgoni le mawala a ba tharolla ya mathata le mekutu.
Ditlhoko tse tshebetso tse fapaneng bakeng sa dintlha tse fapaneng tsa sehlooho.
Ho hlwauwa ha lesedi la tlatsetso ditlhoko bakeng sa ntlha ya sehlooho ka nngwe e lekolwang ditlhoko tsa moralo wa karolo.
Ho hlwauwa ha basebeletsi ba laolang tlhophollo e tebileng.
Ho ralwa ha boikarabelo ba dipatlisiso tse tebileng.
Kgetha batho ba nang le boikarabelo ba tla etsa tlhophollo ka therisano le Setsi sa PIMS Boemong ba Setereke.
Fana ka tshehetso ya ditlhophiso, tataiso le tlaleho ho moifo wa dipatlisiso.
Ho tswa bokgoning boo mmasepala a nang le bona mehloding ya kahare le ditlhokng tsa lesedi tsa hao ntlheng ya hore naa e tebileng e ka e ka etswa ke mmasepla ka boyena kapa e ka romelwa ditsebing tsa kantle.
Basebeletsi ba teng ba nang le bokgoni ho kenyeletswa ba sebetsang mesebetsi ya matsoho, bahlanka ba bophelo bo botle le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso ba tshwanela ho ameha tlhophollong.
Ditereke di ka fuwa boikarabelo ba ho hlopha dipatlisiso tse tebileng ka morero wa hore ho tle ho sebediswe mehlodi e haellang ka nepo.
Nako e hlokehang ho latela batho le matsatsi e tla fapana ho ya ka sebopeho sa dipatlisiso, empa e seke ya feta batho le matsatsi a 20 bakeng sa dipatlisiso ka bonngwe.
Ditlhoko tsa lesedi la dipatlisiso tse tebileng di tlameha ho hlwauwa ke bao ba ikarabelang diqetong, ho fapana le hore diqeto di etswe ke ke ditsebi tsa dikhonsaltente tse fuweng boikarabelo ba ho etsa tlhophollo. O se ke wa senya tjhelete ka ho bokella lesedi le sa tlo ba le molemo, empa o fumane seo puso ya mmasepala o hlokang ho se tseba ho feta e le hore o tle o fihlelle mawa a utlwahalang.
Tlhophollo e tebileng e tshwanela ho kenyeletsa le ho phaella hodima lesedi la mehato ya tlhophollo e fetileng (1/1, 1/2, 1/4, 1/5,1/6).
Sepheo Ho netefatsa hore meralo ya makala e ikamahanya tlhophollo tebileng ya ka mokgwa o phahamisang dintlha tsa sehlooho sa selehae, le ho rarolla tse amanang le lekala moo ho hlokehang, le ho netefatsa hore tsebo e felletseng ya lekala e keneyelletswa tlhophollong e tshwanetseng ya dipatlisiso.
Ditlhoko di fapana ho ya ka makala.
Bala lenane la mabapi le ditlhoko tsa tshebetso e entsweng ya tataiso.
Ka kakaretso seo ha se sebetse moo. Mohlanka wa lekala bala ka tlase ho tlisa ditlhoko tsa tshebetso e ikgethang tlhophollong e tebileng, moo ho tshwanetseng. Ditaeletso tse ikgethang le metheo e lokela ho nkelwa hloohong lenaneng le ka tlase.
JWANG ho hlwauwa bahlanka ba lekala ba tla jara boikarabelo ba ho tsepamisa meralo ya lekala le dintlha tsa sehlooho tsa MKN ha ho etswa tlhophollo e tebileng - e ka ba ka ho kopanngwa kapa ka nako e le nngwe, ho itshetlehile hodima boemo ba lekala mabapi le dintlha tsa sehlooho?
Ntshetsopele ya Moruo wa Selehae kahare ho boikarabelo ba dipatlisiso tsa tlhophollo e tebileng.
Ho keneyelletswa ha ditsebi tsa lekala kahare ho dihlopha tse tshwanetseng tsa tshebetso.
Mohlanka wa lekala e ka nna ba mosebeletsi wa setereke kapa wa selehae, ho itshetlehile hodima dintlha tsa sehlooho tsa MKN (bala tafole e ka fatshe bakeng sa tataiso).
Haeba dintlha tsa lekala tse mabapi le tlhophollo e tebileng/ditlhophollo di ka etswa ke mmasepala ka bona, kapa haeba tshebetso ena e tlameha hore e fetisetswe kantle, ho itshetlehile hodima lesedi le hlokwang le hodima bokgoni ba mmasepala.
Mesebetsi ena e etsa karolo ya mohato wa tlhophollo e tebileng.
Tshebetso ena e thusa ho netefatsa hore meralo ya lekala e tlohellwe boemong ba dintlha tsa sehlooho tsa selehae le hore MKN e na le bokgoni ba thekniki.
Ha ho na le dintlha tse hlokwang bakeng sa ho rala makala tse sa amaneng ka ho otloloha le tsa MKN, tshebetso ena e tla thusa bommasepala ho aba boikarabelo ba mosebetsi ona ka nako e le nngwe le ba meralo e kopanetsweng ya ntshetsopele hore ho netefatswe hore ho fihlellwa se hlokwang.
Lesedi la sehooho la lekala (jwalo ka dikgeo ditshebeletsong) la mofuta o hlaloswang ha mmoho le ditlhoko tsa tsa lesedi la lekala le menahaneng habedi (dintlha tse mabapi le palo ya setjhaba) le tshwanela hore le be le se le kenyeleditswe Pokellong ya Lesedi le Teng (1/1) ka ha le ka thusa ho hlwaya Dintlha tsa Sehlooho.
DIPALANGWANG: Bonyane ba tshebetso e etswang e hlokwang ya ITP e tsamaisanang le mohato ona wa MKN ke rekoto ya jwale tjena ya dipalangwang, e leng motheo wa moralo o kopanetsweng wa dipalangwang. E tlameha hore e hlophiswe ho latela tokomane ya sehlooho se reng se hlokwang bakeng sa ho hlophiswa ha direkoto tsa jwale tjena tsa dipalangwang tsa setjhaba ke ditoropo , jwalo ka ha ho phatlaladitswe Lesedinya neng la Mmuso le ho dumelwa ke diMEC?
Bontsha ditshebeletso tse hlophiseditsweng kapa tse sa hlophisetswang ho etswa, tse sebetswang kahare ho bolaodi ba sebaka, mme di akaretsa tse lebang le tse tswang dibakeng tsa bolaodi tsa bohahisane.
Bontsha meralo ya ditshebeletso le dibaka tsohle tse teng le tse sebediswang sebakeng seo molemong wa, kapa, mabapi le ditshebeletso tsa dipalangwang tsa setjhaba, mmoho le dibaka le meralo ya ditshebeletso e entsweng tlasa mabaka ao kapa kahare ho sebaka se amehang.
WSDPs. Ka ha bommasepala ba ditereke kaofela ke balaodi ba ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi, bonyane ba lesedi le latelang le se hlokwang ke tlhophollo le tla sebediswa diterekeng. Moo bommasepala e leng balaodi ba ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi, maemo ao a tla nne a sebetse le ho bona.
Ditjhelete le bokgoni.
TAOLO YA DITSHILA : Ke boikarabelo ba mmasepala wa setereke ho etsa IWMPs, ka thuso ya mmuso wa provense ha ho hloka hala. Le ha ho phatlalla le bongata/bonyane ba batho e le ntho e tla hlahella ho 1/1 tlhophollong ya ba nang le seabo le ditlhoko ho?
Ho fumaneha ha matlole a ditjhelete.
Dipalangwang: Ha ho se ikgethileng se hlokwang bakeng sa rekoto ya dipalangwang tsa setjhaba. Le ha ho le jwalo, Sekamolao sa Naha sa Dipalangwang se bolela hore seabo sa ba amehang ho meralo ya tsa dipalangwang ho kenyeletsa batho ba kotsing le ba futsanehileng se tle se kgothaletswe.
Metsi Ha ho tshebetso e mabapi le WSDP e hlokwang mohatong ona.
Taolo ya ditshila: Ha ho ditlhoko tsa tsela ya tshebetso ya IWMP tse hlokehang mohatong ona.
Sepheo: Ho netefatsa hore tsebo e fumanweng mohatong wa Tlhophollo e feela e le teng bakeng sa mohato o mong wa meralo le bakeng sa hokenngwa tshebetsong le ho HOBANENG salwa morao?
W/r ya Sephetho latela ntlha ya sehlooho ka nngwe ka tsela e nepahetseng mme e fumantshwe bohle ba amehang mosebetsing wa meralo.
Temoso ha ho hlophisetswa tshebetso : Tlhophollo e tebileng e tla tlisa lesedi le batsi mohlomong le fapaneng le le fumanweng tshebetsong tsa ho feta.
Motho ya ikarabelang Dintlha tsa Sehlooho o tshwanela ho hlophisa tokomane e kgutsufaditsweng ya lesedi lohle le amanang le ntlha tsena boitshetlehong ba pehelo, le ya tswang ho ho tlhophollo ya boemo ba setjhaba/baamehi.
Tokomane e kgutsufaditsweng ntlheng ka nngwe e se fete maqephe a 3-5.
Dintlha le dipalopalo tse amanang le ditaba, mme di fapane ho latela moo sebaka se leng teng le boemo kahare ho setjhaba (ho kenyeletswa le bong).
Dintlha tsohle tse amanang le ditaba tsena.
Dintlha tse akaretsang tsohle tse amanang le ditaba tsena.
Bokgoni bo teng ba horarolla ditaba tsena.
Pokeletso ya kgutsufatso ya dipehelo: mosebetsi wa deskeng.
Tlhoko ya boikamahanyo: Ho tshwanetse hore ho nehelanwe ka ditokomane tsa dikgutsufatso diterekeng e le boitshetleho ba mawala a bona a ho hlophisetsa diwekshopo tsa mawa a tshebetso ho lokisetsa dintlha tse amang bommasepala ba bangata.
Mohatong wa 2, mmasepala o tlameha ho fihlella diqeto tsya bohlokwa hodima bokamoso ba ona le hodima metjha e ntlafetseng ya ho fihlella seo. Ke mohato oo ho ona diqeto tsa sethatong ts emabapi le bokamoso ba mmasepala di etswang. Nakong ya ho feta, boholo ba diqeto tsa bohlokwa mabapi le metjha ya ntshetsopele di ne di sa etswe ke bommasepala, empa di etswa ke mafapha a naha le a provense. Mafapha ana a ne a sebedisa metjha e neng e se e hlophilwe kgale. Ditharollo tse hlophilweng pejana di ne di sa loka kapa di bitsa haholo. Tharollo tsa maemo a jwalo di ne di sa loka kapa di bitsa haholo! MKN e tshwanetse hore e fetole tsela ena ya ho sebedisa ditharollo tse tlwaelehileng. MKN e tfana ka boikgethelo ho bommasepala. Ka hoo, MKN jwalo ka tshebetso ya sehlooho ya ntshetsopele kahare ho mebuso ya selehae, e hloka kgetho e tswang ho mmasepala.
Ke diqeto tsa mofuta ofe tse hlokwang ke Molao wa Mekgwa ya Tshebetso ya Mmasepala?
Se bolelwang ke molao se tsamaisana ka ho otloloha le se bolelwang ke ditlhoko tsa tsamaiso ya morao tjena ya mmasepala: Ba nang le seabo bohle ka har eho mmasepala ba tshwanela ho ba le ponelopele e tshwanang e fanang katataiso ho bohle - ho tsamaiso ya mmasepala mmoho le ho baahi - ponelopele e fanang ka tataiso le ho feta nako eo lekgotla le e kgethetsweng. Diqeto tsa lekgotla di tlameha hore di ikamahanye le boikemisetso boo ho dumelanweng ka bona, mme ka yona nako eo di rute botsamaisi, le ho ala motheo wa tlhophollo ya tshebetso le boikarabelo ba mmasepala ho baahi. Tshebetso tsa makala a phethahatso a lekgotla di tataiswe ke mawa a tlileng ka lebaka la diqeto tse kopanetsweng ka tshebetso eo ho yona ba bolaoding ba neng ba ameha.
Ponelopele, boikemisetso le mawa a na le tshusumetso ya ho kopanya le ho hoka hanya tsamaiso ya tshebetso ya ntshetsopele. tsela e mabapi le ho fihlella ha tumellano hodima boikemisetso le mekgwa ya tshebetso, ke e tletseng dikgohlano, ka ha e amana le ho aba mehlodi e haellang. Ka hoo, moralo bo batsi bo tsamaisana le taolo ya dikgohlano. ho fapana le ho qoba dikgohlano nakong ya moralo ka hoetsa diqeto ntle le ho ba le dipuisano tse kgolo mme, ka tsela eo o ipehe kahare ho dikgohlano, boipelaetso kapa ho ferekana mohatong wa ho kenya dintlha tshebetsong , moralo bo tlisa monyetla, nako e itseng, le metjha ya dipuisano tse bulehileng le metjha ya demokerasi ya ho nka diqeto. Sena se ka nna sa lebisa tabeng ya hore ho amohelwe dintlha mme ka hona ho qojwe kgohlano nakong ya ho kenngwa tshebetsong ha tsona.
Empa, moralo bo batsi bo ka thusa jwang ho rarolla dikgohlano?
Ho fihlella kutlwisisano ka ho batla tsela tse ding tsa ho sekehela ditlhoko le tabatabelo tsa mekga ka ho fapana (se bitswang boikgethelo ba tlholo ka mahlakoreng ohle, tshebediso ya ntlha tse tshwanang).
Ho batla ditharollo tse bolokang tjhelete tse tlisang hore ho kgotsofatswe ditlhoko tse ngata tse fapaneng ka mehlodi e teng, nakong ya nako e itseng eo ho fanweng ka yona.
Tshebediso ya mehato ya ho nka diqeto e nang le ponaletso e hlokang leeme e ka tlisang ho amohelwa ha sephetho, ekasitana le "ho bao ba hlotsweng".
Tshebediso ya mehato e tla kgothaletsa tshebeletso ya ditherisano bakeng sa hore ho fihlelwe ditharollo tsa ho theha kutlwano ho feta ho itshetleha mokgweng wa diqeto tsa batho ba bangata tseo ho tsona batho ba seng bangata ka palo ba iphumanang ba behilwe ka mosing ka dinako tsohle ka lebaka la ho sekehela tsebe tse batlwang ke batho ba bangata ka palo.
Ho boetse ho na le ditsela tsa tshebetso tse fapafapaneng tse ngata (jwalo ka Mohatong wa 1) tseo ka tsona ho ka fihlellwang ponelopele, boikemisetso le mawa a ntshetsopele.
Tumellano ya ponelopele ya nako e telele bakeng sa mmasepala (Moralo wa mosebetsi wa 1/2) e tshwanela ho ba ntlha eo ho qalwang ka yona tshebetsong ya ho etsa diqeto, ka ha ke tshebetso ya bohlokwa bakeng sa ho fihlella kutlwisisano ho bao ba amehang tshebetsong ya MKN, ntle le ho kameho e tebileng, boemong bona, ka dintlha tse sa hlakang hantle. Qetellong, ponelopele e ka se itshetlehe hodima dipuisano le boemo ba ditaba boo dipuisano tsa mofuta o jwalo di tla tla ka bona. sena se ka bolela hore o ka nkela hloohong le ponelopele nakong e tlang ka tlhokomelo. Ho ba le ponelopele ho na lemonyetla wa theha kutlwisisano ya sebopeho sa selehae. Ka hoo, mmasepala ka mong o tshwanela ho ba le ponelopele ya ona, mme ha ho sa na tlhokeho bakeng sa ponelopele ya selehae mmoho le ya setereke, tse tshehetsanang.
Boikemisetso bo tshwanela hore bo hlaloswe bakeng sa ntlha ya sehlooho ka nngwe ka tsela e hlalosang boemo bo lebeletsweng ba ntlha ya sehlooho (Moralo wa mosebetsi wa 2/2). Le ha ho ka ba boima ha jwale ho ka hlalosa se ka fihlellwang ka nako ya dilemo tse 5, ntle le ho ba le dipuisano tse mabapi le metjha e ka latelwang, re kgothaletsa tumellano hodima boikemisetso, nakwana feela, (e bitswang "Boikemisetso ba Tshebetso"), hore ho thehwe tsela e tsepameng bakeng sa dipuisano. o tlameha ho tseba moo o batlang ho leba teng, pele o nkela hloohong le tsela e ntlafetseng ya ho fihla moo, le ha ho ka hlahella ha morao hore moo o batlang ho leba teng o ka se fihle, o ka nna wa hlabolla boikemisetso ba hao.
Diqeto tse lewa tsa mmasepala di tlameha ho itshetleha hodima mahlakore a mabedi: La pele, hodima tsa selehae, mohlala, hodima dintlha tsa sehlooho tsa mmasepala, ponelopele le boikemisetso ba ona, mme la bobedi e be hodima mawa le mekgwa ya tshebetso ya naha le provense. Sena se bolela hore bao ba jereng boikarabelo ba ho etsa diqeto ha ba a tshwanela ho tseba fela tataiso tse tshwanetseng le mekgwa ya tshebetso, feela batshwanela ho utlwisisana hore metjhaenayatataiso e na leboleng bo feng ho mmasepala. Tshebetso ena ya ho etsa hore maana a kakaretso le metjha ya tataiso ho mekgwa ya tshebetso (Moralo wa mosebetsi wa 2/3) ha o a tlameha hore o etsahale masepaleng wa selehae. Re kgothaletsa hore ho be le seboka sa wekshopo se kopanetsweng boemong ba setereke, le dihlopha tsa tshebetsotse ka kgonang ho akaretsa dintlha tse nyalanang le tsa bommasepala ba bang tseo ho tsona tataiso e ka sebediswang (ya sebaka, setjhaba, tikoloho, moruo le mmasepala).
Le ha ho ka ba le dintlha tse itseng le boikemisetso ba tshwanang ao ho nang le ditharollo tse totobetseng tsa onamathata a mangata a hloka tshibollo ya metjha e meng e matla e sebetsang a ho phethahala. Phephetso tse ntjha (le tsa kgale tse sa rarollwang) di hloka ditharollo tse ntjha.sena se ka amana le dintlha tse tshwanang le bosinyi, phallo ya baahi, ntshetsopele ya mahe le ho thehwa ha mesebetsi, hape bakeng sa metjha ya tshebetso e phethahetseng ya kabo ya ditshebeletso. Ka hoo, ho na le tlhokeho ya ho hlohlelletsa dipuisano hodima tse ding tse ka etswang, mohlala, metjha e nepahetseng ya ho fihlella boikemisetso boo ho dumelanweng ka ona ho latela mehlodi e teng. (Moralo wa mosebetsi wa 2/4 le 2/5).
Dipuisano tse jwalo di tshwanela ho hlohlelletswa lekgotleng laselehae ho re ho tle ho sebediswe tsebo le boiphihlelo ba kahare hoselehae. Le ha ho le jwalo, ditsebi tse tswang kantle di ka thusa hore tsebjwe ka ditharollo ts entle ya tswang ho dibakeng tse ding (Moralo wa mosebetsi wa 2/7). Ke taba ya bohlokwa hore ho fanwe ka nako le sebaka bakeng sa dipuisano tse jwalo mme tse kenyeletsang batho ba tsebang ka tsa basebetsi, e leng ntho ya bohlokwa ya tsamaiso ya mmasepala le ntlha e hlokwang bakeng sa ho hlwauwa ha ditharollo.
Tshebetso a sehlooho ya moralo wa lewa ke ho fihlella diqeto tsa lewa ka tsela ya hore bohle ba kenye letsoho ka mokgwa o hlophisitsweng hantle.
Setereke: Moo batho le baanehi ba kopanang mmoho kgutsufatso le ho tjhorisa boikgethelo bo bong bo tswalwang ke dipuisano le diphehiso tse nang le boiqapelo tekolo ya boikgethelo bona bo bong bo ntseng bo thuiswa ba leano la selehae le tataiso ya lewa Moralo a mosebetsi wa 2/8; le ketso ya diqeto ka lebaka la tlhophollo (Moralo wa mosebetsi wa 2/9).
Tshebetso ena ha se yona feela ya bohlokwa bakeng sa tshebetso ya MKN, empa e boetse ke yona e phepetsang ka hofetisisa. Ke tshebetso moo batho le dibaka di kgobokanngwang le makala le batho. Dintlha tse ngata tse fapaneng di tlameha ho nkelwa hloohong. Ba nang le seabo ba bangata ba tlameha ho phehisa. Ho tla tshwanela hore ho etswe boikgethelo ba diqeto tse boima le tseo ditaba tsa tsona di sa tloheng melomong ya batho. Sena se hloka tsebo e batsi ya botsamaisi e siyo masepaleng ka mong. Ho boetse ho hlokeha seabo sa diprofeshenale tse tswang boemong ba naha le ba provense le ya tswang ho dibaka tsa dipatlisiso le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso. Ka hoo, re kgothaletsa hore tshebetso ena e tle e etswe ke Boemo ba Setereke ho fapana le hore e etswe boemong ba selehae o le mong. Bakeng sa dintlha tseo tsohle ka bonngwe ba tsona tseo bommasepala ba fapaneng ba nang le tsona, le dintlha tsa sehlooho tsa boemo ba Setereke, ho tle hohlophiswe Diboka tsa diwekshopo tsa Setereke, ka thuso ya Setsi sa PIMS (Moralo wa mosebetsi wa 2/6).
Qeto e phethelang mabapi le mokgwa wa tshebetso e tshwanela ho itshetleha hodima tlhophollo e kopanetsweng ya boemo ba setereke, empa e tlameha ho etswa ke mmasepala ka mong o laolang dintlha. Ka hoo, dintlha tsa boemo ba setereke le tse nyalanang di tshwanela ho nkelwa hloohong ka kopanelo sebokeng sa diwekshopo tsa Setereke, ha diqeto tse mabapi le dintlha tsa sehlooho tsa selehae di tlameha ho nkelwa hloohong ke mmasepala wa selehae ho sa lebalwe se hlahelletseng ya tswang ho tlhophollong ya boemo ba Setereke. (Moralo 2/10).
Diqeto tse batsi di hloka tlhophollo e ntjha ya boikemisetso ba sethato le yona ponelopele. Meralo ya mekgwa ya tshebetso e tla tshwanela ho kenyeletsa lenane la diprojekte tse amanang le mokgwa wa tshebetso ona le hore e tataise tshebetso e mabapi le tlhophisetso ya diprojekte.
Boikamahanyo le se hlokwang ke moralo wa molao ke tse amanang le ho ralwa ha boikemisetso ba tobileng lekala le itseng (mohlala: ho totobatsa maemo a sisisntsweng a ditshebeletso) le mekgwa ya tshebetso (mohlala, mekgwa ya ho eta kapa taolo ya tlhokeho ya metsi, kabo ya meralo ya ditshebeletso ho tsa dipalangwang le megkwa ya tlhokomelo). Sena se tlameha ho nkelwa hloohong e le karolo ya tshebetso ya MKN makaleng ohle moo tlhophiso ya makala e amanang le Dintlha tsa Sehlooho.
Boikamahanyo le se hlokwang ke mafapha bakeng sa dintlha tse nyalanang (tsa tikoloho, sebaka, moruo, jwalo-jwalo) mawa le metjha ya tataiso e seng e hlalositswe ke mafapha ana (mohlala Metheo ya DFA, Leano la Naha la Tsamaiso ya tsa Tikoloho), a tlameha hore a sekasekwe nakong ya tshebetso ya ho hlalosa boikemisetso le ho ralwa ha mawa a tshebetso.
Le ha mekgwa ya tshebetso e sa tshwanela ho nkelwa hloohong ho latela maikutlo a selehaeng lehlakoreng la lekala, tsebo ya lekala, metjha ya tataiso le mekgwa ya tshebetso ya lekala e tla ba le seabo sa bohlokwa bakeng sa ponelopele, boikemisetso le metjha ya tshebetso.
Sepheo: Ho kgothaletsa, ho tsepamisa maikutlole ho hlophisa baahi bohle, batho ba mo, HOBANENG baamehi, boradipolotiki le bahlanka ho theha bokamoso bo labalabelwang ke sebaka sa mmasepala?
Kameho ya Foramo ya Baemedi ba MKN.
Puo hodima ntshetsopele ya nako e telele ya mmasepala e itshetlehileng hodima dintlha tsa sehlooho tse hlwauweng tse amanang le maemo a qoholehileng kahare ho sebaka sa mmasepala.
Ponelopele tsena di tlameha ho ba kgutshwanyane haholo hore di tsebahale, feela di hlake ka sebopeho, mathata le bokgoni ba mmasepala. Ponelopele tse akaretsang di hlophiswa e eba mapetjo, mme tse ding tsona di fetoha metjha ya tataiso.
Ho sibollwa ha ponelopele e ntle le Foramo ya Boemedi ya MKN.
JWANG Ho lekola ponelopele ha ho hlokeha ka morao ho motheo wa Mawa a Ntshetsopele?
Foramo ya Boemedi ya MKN e tshwanela ho rala Ponelopele le e karolo e ntjhafaditswng ya yona.
Mmasepala le Foramo ya Boemedi ya MKN ba tshwanela ho batla mekgwa ya ho tumisa Ponelopele le ho kgothaletsa dipuisano ka yona.
Ho sa natswe nako e telele le ho tlwaeleha ha tsona, ponelopele di tlameha ho tsamaisana le maemo a ditaba a renang moo. Ponelopele e tlameha ho supa hore mmasepala ka ditlhoko tsa ona o tla shebahala jwang dilemong tse 25 tse tlang.
Ponelopele le mekgwa ya tshebetso e ka tshehetsana. Ha Ponelopele (e batsi) e hlokeha bakeng sa diqeto tse batsi, dipuisano di ka supa hore ponelopele ha e na molemo kapa ha e ikamahanye le nnete ya ditaba. ho ka nna haeba le kgopolo tse ntlafetseng tsaho rera Ponelopele qetellong ya dipuisano. Ka hona, ho tshwanela hore ho be le monyetla wa ho ralwa botjha ha Ponelopele.
Ha o sa tsebe moo o lebileng teng, tsela efe kapa efe e nepahetse?
Sepheo: Ho fana ka tsela e lokelang ho latelwa ha ho etswa mosebetsi wa moralo le wa phethahatso.
Qeto hodima boikemisetso bo le bong kapa boikemisetso bo tsamaelanang bakeng sa ntlha e nngwe le e nngwe ya bohlokwa w/r ya Sephetho (sekepele sa nako: dilemo tse 5).
Qeto ya ponelopele le ka boikemisetso e lolokela hore ebe tshebetso e nngwe mme e lokela hore e etswe Foramong ya Boemedi ya MKN.
Boikemisetso ba tshwanela hoamana le mathata kapa ditlhoko tse ke batho.
A tshwanela ho ralwa e le tharollo tsa mathata ana. A tshwanela ho ralwa ka ho totobala jwalo feela ka mathata a mabapi le sebaka le batho ba amehang.
Ha ho na le lenane la boikemisetso ba nyalanang mohlala: ho fokotswa ha leqeme la mosebetsi ka dipeheletso moruong, o ka nnwa wa etsa qeto ka letoto la boikemisetso.
Boikemisetso ba tlameha ho ba teng pele ho nkwa qeto ka mekgwa ya tshebetso. fela a tla tshwanela ke ho lokiswa ka lebaka la dingangisanao.
Bakeng sa makala a mang mohlala: metsi, meralo ya ditshebeletso, tsamaiso ya tsa dikgwerekgwere moelelo o mabapi le boikemisetso o a hlokeha bakeng sa meralo mohlala, maemo a lebeletsweng a kabo ya ditshebeletso, boleng ba metsi.
Boikemisetso ba ka nna a hlahella ka hoakaretswa boemong bona mme a totobatswe ka morao meralo ya tsathekniki mafelong a Mohato wa 33.
Dipuisano hodima mokgwa wa tshebetso di ba le moelelo ha feela ho ile ha eba le tumellano hodima boikemisetso.
Ho etsa leano la tataiso e akaretsang hore ebe Tataiso ya lewa ya selehae ke tshebetso e hlokang seabo sa boemo bo bong ba Mmuso le ditsebi. Ka hoo, diwekshopo tsa Setereke di tlameha ho fana ka tataiso le kutlwisiso ya mosebetsi.
Ho tshwanela hore ho tle ho be le wekshopo e le nngwe ya e akaretsang ya Tataiso ya lewa ya selehae le dihlopha tsa tshebetso ka ho fapana. Sena se fana ka monyetla wa ho shebana le dikamano pakeng tsa mahlakore ka ho fapana.
JWANG metjha ya tataiso e akaretsang e be ya selehae boitshetlehong ba kutlwisiso e fihleletsweng nakong ya diwekshopo tsa setereke?
Metjha ya tataiso ya Naha.
Mohatong wa Tlhophollo.
Metjha ya Tataiso bakeng sa dintlha tse nyalanang ha e a tshwanela ho feta maqephe a 2-3, hore e be bobebe bakeng sa tshebetso ya meralo nakong e tlang.
Memo e lebang ho baemedi ba bommasepala ba selehae ka ho fapana le ditsebi/bahlanka ba tsa basebeletsi ka ho fapana ha bona.
MANG fapana kapa bahlanka ba basebeletsi ba nang le bokgoni ba tla tshehetsa ntlha ena mohlala; bakeng sa tsa tikoloho, bofuma, bong, moruo?
Ponelopele le boikemisetso ba ropoha kahare hoselehae mme a fana ka tsela eo mmasepala a tla e latela. Metjha ya Tataiso ya selehae yona, e ropoha boemong ba Naha kapa ba Provense.
Ponelopele le boikemisetso ba susumetsa mokgwa oo mmasepala a tla nkela hloohong le sepheo sa ona ka teng (mohlala; ka tsela e sa qobelleng, e thehang mesebetsi, e tsitsitseng).
Tataiso ya selehae ya lewa bakeng sa mahlakore a nyalanang ha e a tshwanela ho tliswa bakeng sa katoloso ya mekgwa ya tshebetso e shebaneng le Dintlha tsa Sehlooho, kapa hona ho kena boemong ba yona. Ho fapana le seo, e tlameha ho tshehetsa tshebetso ya ho ralwa ha diprojekte.
Dipuisano le moralo wa boemong ba selehae matsatsi a 2 ho isa ho a 3.
Ntho tsohle di etsahala sebakeng.
HOBANENG mawa a se a ile a etswa mme le merero ya diprojekte e lokisitswe?
Tokomane e kgutshwanyane e supang tshebediso ya mawa a DFA le metjha ya tataiso ya ntshetsopele ya sebaka, mme e a etsa mathata le boikarabelo ba mmasepala. Sena se tlameha ho tlalehwa maqepheng a 3-5 hlomathisitsweng le dimmapa.
Maikutlo a ikgethang o lokela ho tsepamiswa ho ditaba tsa ho tlisa leano le letjha tabeng ya mobu.
Pampiri e Tshweu e mabapi le Leano la Mobu la Afrika Borwa.
Molao wa Naha wa Taolo ya Tikoloho.
Ho kopanngwa ha dibaka mahae/toropo, futsanehile/ruile, batho ba batsho/makgowa, matlong/mosebetsing.
Ho se kgothaletswe ha boikgapelo ba mobu ka mahahapa ntle le ho kgesa bonnete ba tshebediso e seng molaong ya mobu.
Tataiso tsa Lewa tsa Selehae tsa Sebaka di tshwanela ho qhaqholla tsela eo ka yona metheo ya naha ya tsa sebaka le metjha ya tataiso ya ntshetsopele ya selehae a tshwanelang ho sebediswa ka teng mabapi leselehae, ho sa lebalwe dintlha tse mabapi le mabapi le sebaka ka ho otloloha le mathata a hlwauweng ha ho etswa tlhophollo ya sebaka (1/5).
Tshehetsa mekgwa ya tshebetso ya ntshetsopele le tlhophiso e ntjha ya sebaka e amanang le dintlha tsa sebaka tse hlwauweng Tlhophollong ya tsa Sebaka (1/5).
YA SELEHAE tse lokelang ho latelwa ho fapana le ho fana metjha ya tataiso ya tshebediso ya mobu.
Bakeng sa tse hlokwang tshebetsong, ditlhophiso tsa mmasepala le ditlhoko tsa nako bala leqhepe la Moralo bo akaretsang mabapi le Metjha ya Tataiso ya Mekgwa ya tshebetso ya selehae?
HOBANENG sebediswa ha ho ralwa mawa mme ho hlophiswa diprojekte?
Tokomane e kgutshwanyane (maqephe a 3-5) e bontshang tshebediso ya mawa a Molao wa motheo a phehiso ya batho, tekanyo le ho nkelwa hloohong ha ditlhoko tsa sethato le ho a sebedisa boemong ba mmasepala.
Bukana ya SALGA e mabapi le Bong le Ntshetsopele?
Seabo sya bohlokwa sa Mebuso ya Selehae sa ho fihlella ditlhoko tsa sethato tsa ba futsanehileng phinyello ya ditshebeletso tsa mantlha.
Ho thehwa ha menyetla bakeng sa bohle ho iphedisa ka tshebetso e bonahalang.
Ho thehwa ha metjha ya thekolohelo le tshireletso tse ding bakeng sa ba futsanehileng le ba kotetsweng.
Ntlafatso ya bafutsana/kgothaletso ya seabo sa ba kotetsweng.
Ho nkelwa hloohong ha ho se leka ne ha tsa bong mabapi le ho fumaneha ha mesebetsi, mobu, matlo, jwalo-jwalo.
Mawala le mehlodi yohle e shebane le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ka ho qoholleha ba batho bao ba kotetsweng ka bongata, jwalo ka basadi.
Kutlwisiso ya ditlhoko tse fapaneng tsa basadi le ho nkela hloohong le ditlhoko tsena nakong ya meralo le tshebetso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Mawa a Tataiso a selehae a phediso ya bofuma le tekano ya bong e tshwanela ho qhaqholla tsela eo ka yona mawa a ntshetsopele le diprojekte di tshwanela ho nkela hloohong le metheo ya tataiso ya naha ho sa lebalwe maemo a renang kahare ho sebaka sa mmasepala.
Metjha e nepahetseng ya ho kenyeletsa bafutsana tshebetsong ena.
Potso ke hore: Metheo/tataiso di bolela eng bakeng sa boemo bo jwalo ba batho ba itseng sebakeng se itseng kahare ho mmasepala?
Bakeng sa tse hlokwang tshebetsong, ditlhophiso tsa mmasepala le ditlhoko tsa nako bala leqhepe la Moralo wa mosebetsi mabapi le Mawa a Tataiso ya selehae?
mme e a amanya le mmasepala.
ENG a 3-5 ao ho ona ho hlomathisitsweng setshwantsho/moralo?
Mawa a mmasepala le diprojekte di tlameha ho tsamaelana le metheo ya tshebetso ya ntshetsopele e tsitsitseng ho tsa tlhaho ka mantswe a mang tshebediso ya mehlodi ya tlhaho ha e a tshwanela ho senya monyetla wa hore meloko e teng le e tlang e kgotsofatse ditlhoko tsa yona.
Ho nkela hloohong sephetho sa tshebediso e mpe ya mehlodi ya tlhaho e ka se ntjhafatsweng.
Ho theha maikutlo ka ho ikgetha ekhosistimng e tetetsehileng ebile e le bothateng ba ho fediswa.
Ho qoba tshitiso ditsheng tsa lefa la botjhaba.
SEABO SA NAHA Diteko tsa ho lekola metheo e jwalo ha ho etswa moralo wa ntshetsopele di lokela ho lemoha meedi ya tsebo e teng mabapi le sephetho sa diqeto le mehato e latelwang.
Tataiso tsa lewa tsa selehae di tshwanela ho bontsha hore ke metheo efe ya metheo e akaretsang ya tikoloho e tshwanetseng mefuta efe ya tshebediso ya mehlodi le hore e lokela hoba dibakeng dife. Ke feela ka ho tsepamisa maikutlo le ho qaqisa hantle moo tataiso tsa tikoloho di ka fanang ka tsebo e phethahetseng diqetong tsa lewa le ha ho ralwa diprojekte.
Lenane la mehlodi e kotsing ya ho fediswa kapa eo boemo ba yona bo theotsweng.
Lenane la dibaka tse ka hlokang thibelo ya ho sebediswa ha tsona.
Bakeng sa ditlhoko tsa tshebetso, ditlhophiso tsa mmasepala le ditlhoko tsa nako tadima leqhepe la Moralo wa Mosebetsi o akaretsang mabapi le Tataiso tsa lewa tsa selehae?
HOBANENG ka ho qoholleha, e nkelwa hloohong ha mawa a hlaloswa mme ho etswa moralo wa projekte?
Tokomane e kgutshwanyane (ya maqephe a 3-5) fanang ka moralo wa mehato ya ho ntlafatswa ha moruo ka ho otloloha kapa ka tsela e nngwe ke mmasepala.
Ho na le taelo ya Molao wa motheo bakeng sa Bomasepala a ho phahamisa ntshetsopele le moruo wa setjhaba.
Tokomane ya molao e mabapi le Mebuso ya Selehae e kgothaletsa bommasepala ho nkela hloohong le leqeme la mesebetsi le ho phahamisa NTSHETSOPELE YA MORUO WA SELEHAE.
NTSHETSOPELE YA MORUO WA SELEHAE e shebane le ho theha menyetla ya mesebetsi le kabo e ntjha ya mehlodi ya moruo le menyetla molemong wa baahi bohle (mme seo se fedise bofuma) ka kgolo ya moruo le ntshetsopele e itshetlehileng hodima mehlodi ya selehae.
Dintlha tsa sehlooho di tla nkelwa hloohong ntlafatsong ya mawala a NTSHETSOPELE YA MORUO WA SELEHAE.
TSEBETSO YA SELEHAE jwalo ka Mawala a Ntshetsopele ya Sebaka, mawa a ntshetsopele ya temo, metjha ya ntshetsopele tsa bohahlaodi, jwalo jwalo.
WA SELEHAE le menyetla ya mosebetsi eo bommasepala bao bohle bat la tshwanela ho e rala moo leqeme la mosebetsi le kgaello ya tjhelete e kenang e leng Dintlha tsa Sehlooho e leng ntho e ka bang teng hohle b Mawa le ho moralo wa merero ya diprojekte makaleng a mang, e ka nna ya ba le tshusumetso ntshetsopeleng ya moruo wa selehae mohlala; mesebetsi e sebedisang ditshika e hlalosa ho aha le metjha ya ho fumana tshebetso.
bohahlaodi, indastri tsa temo, indastri tsa bohlahisi.
) Metheo ya mantlha ya ntshetsopele (mohlala; ho tsepamisa maikutlo mekgweng ya mesebetsi e sebedisang ditshika, monyetla wa tshebetso wa mesebetsi e jwalo, botsitso.
Disebediswa tse kgolo tsa ntlafatso.
Boholo ba dihlopha tsa batho ba tobilweng mefuta ya dikgwebo le ba hopotsweng hore ebe bona ba tla una molemo mohlala, basadi, baithuti ba sa pasang hantle sekolong.
TSHEBETSO YA SELEHAE Dibaka tse tobilweng le moo di leng teng.
Bakeng sa tse hlokwang tshebetsong, ditlhophiso tsa mmasepala le ditlhoko tsa nako bala leqhepe le akaretsang la Moralo wa Mosebetsi la Tataiso ya Mawa a tshebetso ya selehae?
bothata bo amanang le boemo ba jwale le tsamaiso ya kabo ya ditshebeletso kahare ho mmasepala; le metjha ya tataiso ya ho fetolwa ha botsamaisi le ho kgethwa ha mefuta e meng ya kabo ya ditshebeletso e tla shebana le maemo a qoholehileng kahare ho mmasepala.
Ditokomane tsa Molao/Leano Pampiri e Tshweu ya Mmuso wa Selehae, Karolo F.
Bommasepala ba tshwanela ho ntshetsapele bokgoni ba kabo ya ditshebeletso bakeng sa ditshebeletso tse fumanehang ka bobebe, tse sa bitseng haholo, tse sekametseng ditlhokong tsa mantlha, le ditshebeletso tse kopanetsweng, tse tsitsitseng le tsa boleng tse itshetlehileng hodima boikarabelo ba mmasepala.
ditumellano tse nyallanang le tshebetso tsela ya boikarabelo ba tshebetso ya ho fana ka matla a mangatanyana le mahlale a tsebetso ho batho bao eleng bona ba etsang mosebetsi o ka sehloohong; le tsela ya ho etsa diqeto ka ditherisano le bohle kahare ho tsamaiso ya mmasepala.
SEABO SA NAHA B. Kgetho ya mefuta e nepahetseng ya kabo ya ditshebeletso tlasa tekolo e tsamayang ka tsela e itseng ya boikgethelo bo tshwanang le ho etsa tshebeletso ya koporasi, kgwebo ya selekane sa setjhaba le setjhaba, dilelekane tsa setjhaba le batho ba moo, ho sebetsa ka mokgwa wa ho ntshetsa mosebetsi kantle, khiriso le dikhonseshene, ho etsa kgwebo ya poraefete.
Tataiso tsa lewa tsa mekgwa ya tshebetso ya mmasepala wa selehae di tshwanela ho hlakisa hore ke phethoho dife tsa katamelo le hore di lokela hore di etswe mahlakoreng a feng a kabo ya tshebeletso, ho sa lebalwe maemo a ikgethileng sebakeng sa mmasepala.
Lehlakore la tlhophiso la mmasepala kapa la diprojekte tse ding.
Bakeng sa ditlhoko tsa tshebetso, ditlhophiso tsa mmsepala le ditlhoko tsa nako tadima leqephe le akaretsang la Moralo wa Mosebetsi le mabapi le Tataiso tsa Lewa la Selehae?
Ho hlalosa mawa bakeng sa ntlha ka nngwe ka tsela e ka amohelehang ka ho nkela hloohong le mehlodi ya kantle le ya kahare ya ditjhelete, mmoho le basebeletsi le ya tlhaho e teng/e fumanehang bakeng s antlha ka nngwe ya sehlooho, le ka ho nkela hloohong dikgaello tse teng.
HOBANENG tse ka ikamahanyang le mathata a teng a tsa ditjhelete?
Ho ka fumana melemo e mengata ya tswang ho ho mehlodi ya kahare ho mmasepala ka ho e laola ka tsela ya lewa le ya mokgwa o motjha.
Ho leptjwe mehlodi ya ditjhelete, ya profeshenale/basebetsi/ya mmasepala bakeng sa sepheo ka seng.
Lewa la Ditjhelete la mmasepala le tla hlalosa ditsela le mekgwa ya ho eketsa kuno le matlo a tswang kantle a kakaretso le bakeng sa ntlha ya sehlooho ka nngwe.
W/r ya Tshebetso - mokgwa o sebedisang tjhelete hantle mohlala, phokotso ya ditjeho, le ho isa mosebetsi bathong ba kantle.
Mohato wa 1.
Diqeto tsa nakwana di tla etswa ke mmasepala mabapi le kabo ya mehlodi ya mmasepala e tla abelwa dintlha tsa sehlooho boikemisetso ka ho fapana.
Ho tshehetsa dipuisano tsa lewa tse fapaneng ka tsebo ha mmoho le diwekshopo tse mabapi le kgaello tse lebeletsweng tsa mehlodi.
Ditshisinyo bakeng sa lewa la tsa ditjhelete le tshwanela ho etswa le ho lekolwa ka ho kenyeletsa mehopolo le tsebo ya selehae ha mmoho le tsebo le boiphihlello ba ditsebi tsa kantle. Ka hoo, moralo ona wa mosebetsi o lokela ho etswa ka kgato tse pedi, boemong ba selehae, ka morao ho moo ebe boemong ba setereke.
i Boemo ba selehae: Ho thehwa ha metjha e meng ya tsa ditjhelete ke Komiti ya Tsamaiso ya tsa Ditjhelete.
Boemong ba Setereke: Metjha e meng e hlwauweng boemong ba selehae, e tliswa sebokeng sa diwekshopo tsa ntshetsopele ya mawa boemong ba setereke bakeng sa ditjhelete tsa mmasepala, mme boikgethelo ba tlatsetso bo kenyeletswa ke batho ba kenetseng wekshopo pele ho tlhophollo.
Boemong ba selehae: Qeto mabapi le motswako wa lewa le tshwanelehileng.
JWANG Katoloso ya kabo tse entsweng mohatong wa 2 ha ho ntse ho lekolwa ditjhelete tse lekanyeditsweng mehloding ya tlatsetso ya kuno?
Ho hlaloswa ha meralo ya mehlodi le ho ralwa ha mawa a ditjhelete ke tshebetso tse pedi tse tshehetsanang. Metjha ya ditjhelete ke ke thuso bakeng sa kgaello e hlwauweng mehloding mme a tlisa katoloso ya moralo wa mehlodi!
Bathusiba tlameha ho botsa dipotso tse hlohlelletsang ho nahanisisa ka botebo le hophepetsa ditharollo tse seng di hlophisitswe.
Ho netefatsa hore bommasepala ba sebedisa tsela tse ntjha tsa ho rarolla mathata le diphephetso tse ntjha.
HOBANENG mekgwa ya katamelo tsa tlwaelehileng e bitsa haholo, e sa loka kapa e sa tsitsa?
Letoto le batsi la mekgwa e meng e ka latelwang bakeng sa ntlha e nngwe le e nngwe ya sehlooho.
Qaleho ya tshebetso e nang le boiqapelo ya ho fuputsa mekgwa e meng ya tshebetso. Batho ba nang le bokgoni ba lokela ho kenyeletswa tshebetsong eo.
Ho hlwauwa ha metja e meng ho tshwanela ho sekehela boiphihlelo ba selehae le kgopolo ya ona mmoho le tsebo le boiphihlelo ba ditsebi tse tswang kantle. Ka hoo, moralo ona wa mosebetsi o tshwanela ho etswa ka dikgato tse pedi, boemong ba selehae le ba setereke.
Boemo ba selehae: Ho thehwa ha metjha e meng bakeng sa ntlha ya sehlooho ka nngwe ya selehae kahare ho Foramo ya Boemedi ya MKN mmoho le ho kenyeletswa ha batho ba amehang le batho ba selehae ba nang le mehlodi.
Boemo ba Setereke: Mekgwa e meng e hlwauweng boemong ba selehae e tliswa sebokeng sa ntshetsople e ya mawa boemong ba setereke bakeng sa ntlha ya sehlooho, mme mekgwa ya tlatsetso e ka kenyeletswa ke ba teng sebokeng seo sa diwekshopo.
Mekgwa e meng ka ho fapana eo bommasepala ba selehae ba fanang ka yona le mekgwa e meng ya tlatsetso e ileng ya kenyeletswa boemong ba setereke e hlabollwa pele e hlophollwa.
a Fanwe ka lesedi la Ditsebi mabapi le ditsela le mekgwa e meng e ka latelwang.
b Kgothaletsa tshebetso ya hore ho hlahiswe maikutlo a mangata a fapaneng ka ho buisana ka mekgwa e meng.
c Hlakisa le ho qoholla mekgwa e meng e sisintsweng ka tsela e mong le e itseng, eleng ntho e tla fa motho e mong le e mong kutlwisiso e hlakileng ya se lohothwang.
a o tle o ye wekshopong ya lewa ya boemo ba setereke o itokisitseng hantle.
b o fehle dipuisano tsa setjhaba tsa boemo ba selehae mabapi le mekgwa emeng e fapananeg.
MANG Boemong ba Setereke: Motho ya nang le boitsebelo ba mehlodi le setsebi ditabeng tsena (ho kenyeletswa boemo ba naha le ba provense, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso, makgatlo ya dipatlisiso) ba tla mengwa Sebokeng sa Ntshetsopele ya Leano?
Bathusi ba tsamaiso ba tlameha ho botsa dipotso tse hlohlelletsang ka botebo le ho phepetsa ditharollo tse seng di hlophisitswe.
Moralo wa nako wa dipuisano maemong a fapaneng ke: kgwedi e 1.
Tshebetso e entsweng mabapi le w/r ke eng?
Ho phehisetsa ditharollo tse tsitsitseng, tse tla tswela batho molemo le bakeng sa tharollo e amohelehang ya dikgohlano.
Kopano ya Foramo ya Kemdi ya MKN, oo ho ona metjha e meng e thehwang, o tshwanela ho sebedisetswa tumellano ya ditho ka metjha ya tshebetso le boikarabelo ba bona dipuisanong tsa setjhaba. metjha ena le boikarabelo bona bo ka nna ba fapana ho latela dintlha.
Metjha e meng ya ho hlohlelletsa dipuisano ke hosebedisa baqolotsi ba ditaba ba selehae, kapa diboka tsa setjhaba.
Ditshisinyo, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso ngoreho le dikgohlano tse hlahelletseng dipuisanong tsa setjhaba di tshwanela ho nkelwa hloohong tlhophollong ya metjha e meng le tshebetsong tsa ho etsa diqeto tsa Foramo ya Boemedi ya MKN le diboka tsa diwekshopo tsa setereke.
Ditho tsa Foramo ya Boemedi ya MKN ke tsona tse nang le matla a ho kgothaletsa dipuisano pakeng tsa dihlopha kapa setjhaba seo ba se emetseng.
Bahlanka ba tsa basebeletsi ba tshwanela ho ba le seabo mme ba be le boikarabelo dipuisanong tsa setjhaba.
Molemo le sebopeho sa dipuisano tsa setjhaba hodima mawa se ka fapana ho latela bokgoni ba batho le ka moo ba amehang ka teng mabapi le dintlha tse tshohlwang. Ha se batho bohle ba nang le bokgoni mme ba na le tjheseho ya ho phehisa dipuisanong mabapi le ntlha e itseng. Hangata, seabo se seholo dipuisanong ke sa ba nang le seabo ba mmalwa ba mekga e itseng, ha boholo ba setjhaba bo ka thabela ho ipalla ka dipuisano tseo masedinyaneng le/thelevisheneng/radiyong.
Ho netefatsa hore mekgwa ya tshebetso e radilwe katshebetso e tsamaisitsweng hantle, mmoho le ba nang le seabo le ditsebi tsohle.
Lesedi mabapi le sekgahla (molemo/kotsi) ya metjha e meng e hlwauweng.
Seboka se seng. Dintlha tsa sehlooho tse amang mmasepala a le mong di tshwanela ho nkelwa hloohong ke diwekshopo tsa boemo ba selehae.
ho thehwa ha metjha e meng le ho e hlabolla ha ho nkelwa hloohong metjha e meng e hlwauweng pejana maemong a selehae (bala 2/5).
Ho itshetlehile hodima boima ba dintlha le boholo ba mmasepala ya amehang seboka sa diwekshopo se ka nna sa nka matsatsi a mahlano 1-5.
Diboka tsa diwekshopo tsohle tsa boemo ba Setereke di tshwanela ho etswa nakong ya kgwedi e le nngwe 1.
Diboka tsa Diwekshopo tsa boemo ba Setereke di ka etsa mesebetsi e mengata.
Ho netefatsa hore mekgwa ya tshebetso e radilwe katshebetso e tsamaisitsweng hantle, mmoho le ba nang le seabo le ditsebi tsohle.
Lesedi mabapi le sekgahla (molemo/kotsi) ya metjha e meng e hlwauweng.ha ho shejwa metjha ka ho fapana.
Seabo sa boemedi ba bangata ba baamehi ba tswang maemong a fapaneng le mahlakoreng a bophelo a fapaneng (ba emetseng dihlopha tsa ekhonomi, tikoloho, setjhaba, bong, sebaka le mmasepala ekasitana le le mekgatlo e hopoletsweng hore e une molemo) e le ho netefatsa hore dintlha tsohle tsa bohlokwa di a nkelwa hloohong tlhophollong.
Metjha e meng e hlwauweng bakeng sa ntlha ya sehlooho ka nngwe e tlameha ho ngolwa fatshe.
Tsela ya tlhophollo ya papiso e lokela hore ho dumellanwe ka yona.
Qetellong, metjha e tshwanela ho lekolwa ho latela e meng ho sa lebalwe sephetho sa lesedi le abilweng ke ditsebi le boiphihlelo bo fumanweng ya tswang ho dipuisanong tsa setjhaba.
Foramo ya Boemedi ya MKN. Mabapi le tse hohelang tjheseho ya setjhaba, boqolotsi bo bitswe, mme diboka tsa setjhaba moo ditsebi di tla ba teng di hlophiswe.
Boemo ba Setereke: Bakeng sa dintlha tsohle tsa KOPANO YA LEKGOTLA le dintlha tsohle tse sebetsang ka yona tsela ena ho bommasepala ba selehae, tlhophollo e phethelang e tla etswa e le karolo ya seboka sa diwekshopo tsa setereke sohle hore ho tiisetswe seabo sa ditsebi tsa naha/provense le diprofeshenale tse ding.
Ho tshwanetse hore ho fanwe ka moralo wa nako ya kgwedi e le nngwe bakeng sa ho tshohla le ho hlopholla mekgwa e meng ya tshebetso.
Tlhophollo ya metjha e meng e ka latelwang e ka etswa ka ditsela tse pedi: ka dipuisano tse buletsweng setjhaba sohle mabapi le melemo le kotsi ya yona, mme ka papiso e itshetlehileng hodima dintlha. Bakeng sa dintlha tse ding, dipuisano tsa setjhaba di tle di hlophisetswe maemo a di loketseng. Pheletsong, sephetho se tswang tshebetsong tsena tse fapaneng se tshwanela ho kopanngwa ka ho kenya sephetho sa tshebetso tsa dipuisano tse bulehileng motjheng wa tlhophollo e hlahlamanang le e thehilweng sekepeleng se itseng..
Ho fana ka tataiso e totobetseng bakeng sa tlhophiso ya projekte le ho kenngwa tshebetsong ha yona.
Mekgwa ya tshebetso ya ntshetsopele ya Mmasepala bakeng sa Ntlha ya Sehlooho ka nngwe, tse tsamaisanang le meralo ya makala ya naha le ditlhoko tsa meralo. Mekgwa ya tshebetso ena, e tshwanela ho supa tsela tseo boikemisetso ba tla fihlellwa ka mehlodi e teng.
Jwalo ka tlhophollo ya metjha e meng, qeto ya mokgwa wa tshebetso e tshwanela ho etswa ke sehlopha sa baemedi ba ba nang le seabo tshekatshekong ya mahlakore ohle.
Tshebetso tsa ho nka diqeto: Diqeto tsamawa di tshwanela ho tshetlehwa hodima tsela le tshebetso ya tlhophollo, ho fapana le voutu yabongata. Dipuisano tse jwalo le tshebetso ya ditherisano e ka thusa ho kgodisa batho ho fumana kutlwisisano le mamellano. Ka hoo, ho fanwe ka nako e a netseng bakeng sa dipuisano tse itshetlehileng hodima tsela e latelwang le lesedi, pele ba nang le seabo sebokeng sadiwekshopo ba nka qeto ka mokgwa wa tshebetso. Ho na le lenane la disebediswa bakeng sa mosebetsi wa ho hlophisa diqeto ka tsela e itseng. bala Vol.
Diqeto tsa lmokgwa wa tshebetso tse amanang le Dintlha tsa Sehlooho tsa KOPANO YA LEKGOTLA le bakeng sa dintlha tse nyalanang di tshwanela ho etswa qetellong ya seboka sa diwekshopo tsa mokgwa wa tshebetso wa ntshetsopele ya setereke.
Diqeto tsa mekgwa ya tshebetso tse amanang le Dintlha tsa Sehlooho di tshwanela ho etswa boemong ba mmasepala wa selehae ke Foramo ya Boemedi ya MKN. Di ka nna tsa tshehetswa ke tlhophollo ya metjha e meng ya setereke mabapi le sephetho sa tlhophollo ena se ka sebetsang maemong a selehae.
a boikemisetso boo mokgwa wa tshebetso o batlang ho phehisa ho ona.
c tlhaloso e totobetseng ya mekgwa ya thuso ya sehlooho; le d lenane la diprojekte.
Mawa a tshebetso a lokela hore a tsejwe ka ho fuwa dihlooho.
Ke taba ya bohlokwa ho fapanya diqeto tsa mekgwa ya tshebetso tse sebetsang ka yona tsela eo ho bommasepala ba bangata le tse hlokang dipuisano le makala a provense le a naha (mohlala maemo a ditshebeletso), le diqeto tsa mekgwa ya tshebetso tse hlokang dikarabo tse tsamaisanang le tsa selehae jwalo mekgwa ya tshebetso ya moruo e amanang le mehlodi e otlolohileng ya sebaka. Se boletsweng ka hodimo se tshwanela ho etswa boemong ba setereke, ho fapana le boemong ba selehae.
Diprojekte tsa MKN di atolosetswa maemong le ditlhokong tsa selehae.
Mekgwa ya tshebetso ya ntshetsopele Lesedi mabapi le sekgahla (molemo/kotsi) ya metjha e meng e hlwauweng.ha ho shejwa metjha ka ho fapana.
Diqeto tse batsi di etswe/di tjhaelwe monwana ke Foramo ya Boemedi ya MKN.
B. Diqeto tsa tsa boemo ba selehae tse kahare ho moralo wa mokgwa wa tshebetso wa setereke dintlha tsa ntshetsopele ya moruo.
Boemong ka bong sephetho sa seboka sa mokgwa wa tshebetso wa setereke se tla tlameha hore se tshohlwe boemong ba selehae mme ka morao ho moo se amohelwe se nkwe e le moralo wa tshebetso ya ho rala mokgwa wa tshebetso wa selehae kapa se sebediswe bakeng sa tshebetso ya ho rala mokgwa wa tshebetso wa selehae.
Ho ka qoba tshebetso tse telele tse ka iphetang kapa tse fapaneng tsaho etswa ha diqeto maemong a fapaneng, ditereke di tshwanela ho etsa qeto mmoho le bommasepala ba selehae, hore ke dintlha dife tseo mang a tshwa nelwang nka qeto ka tsona.
Mekgwa ya tshebetso ke sesebediswa sa ho o tlosa moo o leng teng le ho o isa moo o batlang ho leba teng. Tlhaloso tsa lewa la tshebetso ke motjha o mong empa o tletseng sepheo, wa tshebetso, le hore tshebetso e etswa jwang. Mekgwa ya tshebetso ke metjha ya ho nkela hloohong le dintlha tsa sehlooho tsa ntshetsopele le ho fihlella bokamoso boo o bo batlang kaho lokisa boikemisetso ba hao a ntshetsopele.
Tlhaloso tsa lewa la tshebetso di tlameha ho hlalosa hore o batla ho fihlella boikemisetso ba ntshetsopele ka ho etsa X, le/kapa Y le/kapa Z. Hopola, hore ho ka nna haeba le tsela tse ngata tsa ho fihlella sephetho se labalabelwang. Sena se bolela hore boikemisetso ba mokgwa wa tshebetso ka bonngwe a ka nna a e ba le mokgwa wa tshebetso o mong.
Tlhaloso tsa lewa la mekgwa ya tshebetso di kwala sekgeo pakeng tsa nako ya jwale le bokamoso.
Hangata, ho na le ditsela tse ngata tsa ho kwala sekgeo. Sebetsana le dintlha tsa ntshetsopele le boikemisetso ba tsona ka ho fapana. Ho bolela hore ho ka nna haeba le dipuisano tse ding hore ho kgethwae pakeng tsa mekgwa ya tshebetso e meng kapa ho kgetha motswako o nepahetseng wa mekgwa ya tshebetso.
Nnete ya ditaba e tlameha ho susumetsa tshekatsheko ya hore mekgwa ya tshebetso ena e tla tswella kapa e tla fihlellwa. Hlopha mekgwa ya tshebetso ya hao ho latela mathata a ditjhelete kapa ao mmasepala a tobaneng le ona le ho netefatsa hore mekgwa ya tshebetso e supa dintlha tse nyalanang tsantshetsopele tse jwalo ka tlhophisobotjha ya sebaka, tekanyo ya bong, phediso ya bofuma, ntshetsopele ya moruo wa selehae le ho tsitsiswa ha tsa tikoloho.
Ke taba ya bohlokwa hore ditlhaloso tsa lewa tsa mekgwa ya tshebetso di hlophiswe ka tsela e kopanetsweng. Mekgwa ya tshebetso e kopanetsweng le e tsitsitseng e ka leka ho nkela hloohong le boikemisetso ba ntshetsopele ka ho akaretsa mahlakore ohle. Ke taba ya bohlokwa ho hlopha mekgwa ya tshebetso e tla nkela hloohong le sesosa sa ntshetsopele sebakeng sa hao.
Qoba ho theha dihlopha tsa tshebetsotsa makala tsaho theha mapetjo a mekgwa ya tshebetso.
Hang ha mekgwa e meng ya lewa la tshebetso ese e hlophisitswe, e tlameha ho lekolwa ho latela tshusumetso ya teng ya lewa, ho tswella, botsitso, boikamahanyo ba yona le leano, le letoto la dikepele tse ding tse ntshetseditsweng pele tsa selehae le tse amohetsweng ka morero wa ho fihlela sehlopha sa mawa a amohelehang a tshebetso.
Tsela e nngwe hape ya ho netefatsa hore ho na le nyehelo e makalakala a mangata moralong wa lewa ke ho nehele ditho tsa moifo wa tshebetso letoto la dintho tse tla thusa ho kgwephela maikutlo hore a tsholohe ha bobebe a tswa mahlakoreng a fapaneng.
Moo ho kgonehang, sebedisa motswako wa metjha ena ho tswellisa ho fihlellwa ha mekgwa ya tshebetso ya ntshetsopele e kopanetsweng e l eka nnete.
Naa sekgeo se senyane (jwalo ka molatswana) kapa se seholo (jwalo ka Selomo/Kgohlo) Ke eng se ka kwalang sekgeo seo Lori e kgolo kapa taaso O hloka eng ho kwala sekgeo seo Borokgo ba kgwele kapa mmila wa makoloi a mane?
Sethatong ditlhaloso tsa lewa la mekgwa e meng ya tshebetso di tla ntshetswapele ka seabo se felletseng sa baamehi le ba nang le seabo sebakeng seo. Ho etsa monyetla wa hore o kgone ho kgetha mekgwa ya leano la tshebetso e phethahetseng, bahlanka ba thuswang ke ditsebi tsa profeshenale ba tshwanela ho lekola mekgwa ya tshebetso e sisintsweng.
Ha o na le lehlohonolo haholo hore o be le bokgoni le mehlodi sebakeng sa hao, theha letoto la meifo ya tshebetso e makalakala a mangata ho tsepamisa maikutlo dintlheng tsa bohlokwa tsa ntshetsopele. Netefatsa hore moifo o mong le o mng wa tshebetso o kenyeletsa ditsebi tse tswang mahlakoreng a fapafapaneng.
Haeba o sa kgone ho fumana ditsebi tsa profeshenale, hlophisa moifo wa tshebetso ka mokgwa o tla etsa hore moifo ona o kgone ho emela motswako o motle wa ditabatabelo tsa makalala ohle.
Motse o itswelang ka hloohong feela wa lebitso le iqapetsweng la Free Town o na le phesente e hodimo ya malapa a sa lefelleng ditshebeletso (62,5%). Palo ya malapa a sa kgoneng ho lefella ditshebeletso, e etsa 35% ya tjhelete e kenang le lebeletsweng ho tsws aho ditefiso tsa ditshebeletso.
Motse ona o hlwaile tefello ya ditshebeletso e le ntlha ya sehlooho mme o nkile qeto ya ho eketsa kuno ya Lekgotla ka sepheo sa ho eketsa dipeheletso tse kgolo ho latela diprojekte tse ka sehloohong.
Lesedi la temoso le tlisang hore ho buisanwe le ho leka ho kgothaletsa baahi ba kgonang, empa ba se ba thahasello ya ho lefa, hore ba etse nyehelo.
Maemo a ntlafetseng a kabo ya ditshebeletso ho kgothaletsa bao ba sa lefeng, ka lebaka la ho se kgotsofalle boemo ba ditshebeletso, hore ba lefe.
Kgato ya Molao?
Kgaola phepelo ya metsi le motlakase malapeng ohle a sa lefeng mme o latele mehato e tshwanetseng ya molao.
Mokgwa o ntlafaditsweng wa pokello?
Ntlafatsa metjha yohle ya mmasepala ya tshehetso e tla etsa hore ho lefa ho be bobebe, jwalo ka ho ntlafatswa ha tsela ya tefiso, kabo ya dibaka tsa ho lefella tse haufi, tlhophollo e ntjha ya sekepele bakeng sa batho ka ho fapana, le ho bebofatsa diresiti/diakhaonte ka matshwao le ditshwantsho bakeng sa ho utlwisiseha.
Motheo wa mesebetsi ka ho sebedisa dikontraka?
Theha menyetla ya mesebetsi bakeng sa batho ba sa sebetseng ba setjhaba ka ho ba rupella le ho hira ba itseng e le boradikonteraka ba tla koleka ditefello tsa ditshebeletso monyako le monyako mme ba bokelletse lesedi ka batho ba sa kgoneng futsanehileng haholo ho ka lefa ditshebeletso le ho potlakisa phumantsho ya letlole la bona ya tswang ho Mmusong wa Naha.
Ditshebeletso tsa baahi tse ntlafetseng?
Ntlafatsa maemo a kabo ya ditshebeletso moo ditefello tsa ditshebeletso di sa lefuweng ka lebaka la ditshitiso tse etsahalang kgafetsa tsa phepelo ya metsi tse bakwang ke kgaello ya metsi, ka ho boela o haha sebaka se seng sa pokello ya metsi.
Letsholo la Temoso?
Kgaola phepelo ya metsi le motlakase malapeng a nang le molato wa R5 000 le ho feta bakeng sa nako ya dikgwedi tse 6 (tsheletseng) tse latelanang. Rupella le ho fana ka mosebetsi bathong ba tswang hona baahing ba moo hore ba tlo kena mosebetsing wa ho hlokomela dintlha tse ding tse pedi tsa moo ho lefuwang teng holong ya baahi ba moo le tliniking e sebetsang motsheare motseng wa Sihluphekile. Kadima tjhelete Bankeng ya Ntshetsopele ya Afrika Borwa ho kenya dimithara tsa metsi tse lefellwang pele sebakeng sa baipehi ba Liberationville.
Phepelo ya metsi a hlwekileng a sebediswang ka matlung e bile lona lebaka la sehlooho baahing ba lekeishenehola Free Town. Le ha kwana kgaello ya dibaka tsa phepelo ya metsi e bile lona lebaka le qosang bothata bona, tlhophollo e tebileng e supa ka kakaretso ho haella ha phepelo ya metsi sebakeng sena (e leng se amang boholo ba bommasepala ba selehae kahare ho setereke sena) 60% ya metsi e sebedisetswa ho nosetsa mapolasing, ha Lefapha la Temo le ikemiseditse ho atolosa sebaka sa temo ka 20%. Dibakeng tse abetsweng metsi a ka matlong, tshebediso e kgolo ya metsi le lebaka la ho dutla (30%) e bile dintlha tse qositseng kgaello ka kakaretso.
Boholo ba bommasepala ba bang ba selehae seterekeng sena ba dumellane ka boikemisetso bo tshwanang mabapi le phepelo ya metsi.
Hobane ho fumane ha metsi a hlwekileng motjha o tjhele bakeng sa baahi bohle ke ntho e ka fihlellwang feela ka ho nkella hloohong taba ya mokgwa wa haedroliki ka ho phethahala (tsela ya phepelo ya metsi) seterekeng sena le ka ho tlatsa diforomo tsa tshebediso ya metsi, ho tla hlokeha hore ho hlophiswe seboka sa setereke kaofela sa Wekshopo ya Lewa la Metsi le ho mema baamehi kaofela ba nang le kabelo kgaellong ya mehlodi ya metsi (mohlala; Lefapha la Temo, Mekgatlo e ikarabellang Ntshetsopeleng ya diindastri) ha mmoho le ditsebi tsa ditaba tsa metsi tse kang haedrologisti le dienjinere tsa Metsi?
Menyetla ya phepelo ya metsi e sa qoseng tjhelete e ngata ho baahi ba metse e nang le tlhoko.
Ho fokotswa tshebediso e hodimo ya metsi.
Ho lokiswa ha ho dutla ha dipeipi tsa metsi.
Ho sebetsana le ditlhoko tsa metsi le nosetso.
Ho be le dipompo tsa metsi tsa baahi ba lekeisheneng?
Ho fanwe ka pompo ya metsi e nang le mithara ho malapa a 10 ka dilithara tse itseng lelapa ka leng mahala.
Pompo e le nngwe lelapeng ka leng?
Kgaotsa tshebediso ya metsi a mangata haholo?
Theha mokgwa wa tefiso ya ditefello tsa a metsi ya sebedisitsweng bakeng sa basebedisi kaofela ba poraefete ho fokotsa tshebediso e fetang tekano.
Projekte ya ho ntlafatsa diphaephe?
Lokisa diphaephe tsohle tse dutlang ka nako ya dilemo tse pedi.
Nosetso e thehilweng paballong ya metsi?
Kabo ya metsi a nosetso e tla fokotswa ho fihlela ho 50% pele ho fela 2005. Katoloso ya dibaka tse lenngweng e tla itshetleha hodima paballo ya metsi e ntlafetseng le mekgwa ya tshebediso ya metsi.
Ba kenetseng seboka sa diwekshopo tsa ditereke ba dumellane ka ho kopanngwa ha mawa a tshebetso a A, C, D le E. Mehlodi ya metsi e bolokilweng ka C, D le E e anetse bakeng sa 90% ya bao ba hlokang phepelo ya metsi a hlwekileng hona jwale.
Lewa la tshebetso la B le ile la qhelelwa ka thoko, hobane le ne le sebeletsa feela 30% ya batho ba hlokang bao maikutlo a tsepamisitsweng ho bona. Ho lebeletswe hore ho tla sebediswa Lewa la tshebetso la B ka morao ho 2005.
Hore ho tle ho rarollwe ntlha ya sehlooho e ileng ya hlwauwa ya leqeme la mosebetsi, mmasepala wa Free Town o ikemiseditse ho rala lenaneo la ntshetsopele ya moruo wa selehae. Boikemisetso ba baleha tjena: mesebetsi e theilweng e metjha e 10 000 le menyetla ya tjhelete e kenang bakeng sa malapa a itshebetsang a 10 000 e eketsehile pele ho mafelo a 2005?
Mmasepala o ba le seabo dipuisanong tsa mefuta e mmedi ya mawa a tshebetso. Mofuta wa pele o shebane le makala a tsa moruo, mme wa bobedi wa disebediswa tsa ntshetsopele o lokela hore o sebediswe ke mmasepala.
A. Tsepamisa maikutlo ho tsa Temo.
B Tsepamisa maikutlo ho diIndastri tse itshetlehileng Temong.
C. Tsepamisa maikutlo tlhahisong ya mmaraka ya selehae.
D Tsepamisa maikutlo phehisanong ya mmaraka wa romelwang kantle.
F Tsepamisa maikutlo ho indastri ya dikhemikhale.
Ho nkela hloohong bokgoni ba tem obo sa sebedisweng hantle mahaeng, dibaka tsa bohahlaodi tse haellang le ho se be teng ha menyetla ya sebaka kapa mawala a ntshetsopele ya sebaka kahare ho Naha mmasepala o nka qeto hodima mawa a tshebetso a itshetlehileng temong ka morero wa ho ntshetsapele indastri ya temo le indastri ya boemo bo tlase e sekametseng mmarakeng ya selehae feela (haholoholo e shebaneng le meralo ya ditshebeletso ya setjhaba), e leng ho kopanngwa ha Mawa a tshebetso a A, B le C.
B. Kabo ya maemo a matle a ho tsetela ka ho fana ka ditshebeletso tse phethahetseng mme tse molemong wa batho.
C. Phaello setjhabeng e shebaneng le borakgwebo ba banyane ba selehae.
E. Ditshebeletso tse tsheheditsweng ka ditjhelete.
Tlhophollo e tebileng e bontshitse hore ho na le ditshitiso tse fapaneng le tshehetso e hlokwang bakeng sa makala le dihlopha tse fapaneng.
Boramapolasi ba banyane ba hloka phumantsho ya mobu o mong le thupello ya ho hlophisetsa mmaraka le ho fumana phaello.
Diindastri tsa bohlahisi di hloka sebaka se abelwang ditshebeletso se haufi le seporo le mmila o moholo.
Boradikonteraka ba selehae ba hloka basebeletsi ba nang le mangolo ba tla kgona ho sebetsana le mesebetsi ya boemo bo hodimo.
Barekisi bao eseng ba molao le bahlahisi ba tletleba ka mekgws ya botsamaisi e boima e ba thibelang ho hola le ho ingodisa.
Ho aba mobu o teng ho boramapolasi ba banyane ba 5000.
Ho rerisana le lekala la ntshetsopele (Mokgatlo oo eseng wa mmuso), e tla rupella le ho thusa boramapolasi ba banyaneho ntlafatsa phaello ya bona le ho bapatsa tshebetso ya bona.
Lenaneo la thupello la bahahi ba selehae le batsamaisi ba dikhampani tsa theepa ya ho haha e hoketsweng ho fana ka mosebetsi wa dikontraka ho bahwebi ba selehaeo ba jwalo.
se tla nkela hloohong le ditlhoko tsohle tsa tsamaiso.
Ho ralwa ha ditshisinyo tsa diprojekte tse sebetsang?
Mohato wa boraro ke o bitswang Dikrufu, oo ho ona mmasepala a tlammehang ho netefatsa hore ke ditshisinyo tsa diprojekte tse matla tse hlalositsweng hantle tse radilweng, tse ka sebediswang. Ke mohato wa ditsebi tsa ditjhelete le Ditsebi, mohato oo ho ona bahlanka ba mmasepala ba tshwanelang ho sebetsa ka thata diofising, hap eke oo ho ona baahi ba amehang ba tlamehang ho ba le seabo hape, ho lokisa moralo wa diprojekte le ditlhoko tsa bona le maemo aselehae?
Ke lesedi la mofuta ofe leo botsamaisi bo le hlokang hore bo nke qeto ebang tshisinyo ya projekte e tsamaisana le mawa, boikemisetso le mekgwa ya tshebetso; ho netefatsa tshebetso ya projekte e hlokang mathata, le ho tsebisa setjhaba seo se ka se lebellang selemong se latelang nakong ya tshebetso ya Lekgotla la Mmasepala wa selehae?
O tlameha ho tseba hore ho ka fihlellwa ho kae, boikemisetso ba ka fihlellwa ho le ho kae.
O tlameha ho tseba hore ho tla ajwa eng e kae neng le ho kae ka projekte.
O tlameha ho tseba ebang projekte e kgonahala (o sekehela kabelo ya tekanyetso ya nakwana) le hore tjhelete e tla tswa ho kae.
Moralo wa mosebetsi wa 3/3 bo fana ka ka kakaretso le tsela ya lenane bakeng sa ho ralwa le ho tlalehwa ha ditshisinyo tsa diprojekte. Ho tla thusa hore lesedi lohle le bokeletsweng tselang e le nngwe mabapi le projekte e rerilweng. Sena se tla thusa ha ho shejwa ho phethahala ha ditshisinyo tsa diprojekte. O ka fumana kamano pakeng tsa mehlodi ya ditjhelete, mesebetsi e entsweng le tshusumetso e tla fihlellwa. Ka kakaretso e jwalo ke ntlha bohlokwa bakeng sa sephetho le tsela ya tsamaiso e tsitlalletseng tshebetso.
Ho fihlella diqeto tse jwalo ha se taba ya ho thuisa dintlha feela, empa ho hloka letoto la dipuisano le diqeto (re ka ho bitsa Lewa le nammeng la ditaba) tse tshwanelang ho rarollwa?
Dihlopha tsa Tshebetso ya Diprojekte di tshwanela ho kenyeletsa baemedi ba makala a ka nnang a eba le seabo tshebedisong ya projekte.
Projekte ka nngwe e hlwauweng e tshwanela ho abelwa tekanyetso tse itseng tsa nakwana pele Sehlopha sa Tshebetso sa Diprojekte se fetela ho tlhophiso ya diprojekte.
ka ho kenyeletsa ba amehang ka ho otloloha projekteng ena?
Pheletsong ya tshebetso, Dihlopha tsena di tla tshwanela ho fana ka ditshisinyo tse kgutshwanyane tse kenyeletsang lesedi le qhaqhollotseng kahodimo tlasa sehlooho; sephetho sa Mohato wa 3?
le ba lebeletsweng ho etsa nyehelo?
Ho aba dintlha tsohle tse hlokehang le monyetla wa diprojekte tsa MKN, ka hona ho netefaletswe boikamahanyo le ditshisinyo tsa diprojekte le mawa a makala le ditlhoko tsa meralo ya makala.
Ho netefatsa meralo ya makala kapa mananeo ka moo a amanang le Dintlha tsa sehlooho tsa MKN le hona ho nyalana le tshebetso tsa MKN e tsamaisana le dintlha tsa sehlooho, boikemisetso le mawa a tshebetso e tsamaiswang ke mokgwa wa selehae.
Haeba boikamahanyo boo bo ka fihlellwa, ho na le monyetla o moholo wa hore tjhelete ya ho tshehetsa diprojekte tsa MKN e tla fumaneha.
e le ditho tsa Sehlopha sa Tshebetso e leng se ka etsahalang makaleng ao e leng karolo ya mebuso ya selehae; kapa e le balekane ba tlamehang ho reriswa nakong ya tshebetso ya ho rala e leng se ka etsahalang makaleng a naha kapa a provense.
b Mafapha a makala a etellapele ho ralwa ha meralo e hlokehang ho latela molao e leng se tshwanetseng makala a mararo ; e leng metsi, dipalangwang le tsamaiso ya dikgwerekgwere, ho sa lebalwe boikemisetso, dintlha tsa sehlooho le mekgwa ya tshebetso ya mmasepala leho fana ka dikgutsufatso tsa ditshisinyo tsa diprojekte ho Komiti e Tsamaisang MKN. Kgetho na e sebetsa feela diprojekteng tsa makala.
ho kenyeletsa tse ding/ meralo e teng hona jwale le mananeo a tswelang pele a Maemong a lokileng nako ya ho etsa ditlhophiso e a hlophiswa mme meralo ya makala e tla etswa ka nako e le nngwe le ho hlophiswa ha MKN.
b Meralo ya makala e se e entswe le pele ho tshebetso tsa MKN di fetela boemong ba ho hlophiswa ha diprojekte: ha ho le jwalo, meralo ya makala e tla tlameha ho lekolwa botjha mabapi le dintlha tsa sehlooho, boikemisetso le mekgwa ya tshebetso le ditlhoko. Makala a tla nyehela ka kgutsufatso tsa ona tsa ditshisinyo tse fetotsweng tsa diprojekte tseo e tla ba karolo ya MKN.
c Meralo ya makala e ka se phethelwe kahare ho nako e behilweng ya MKN: Ha ho le jwalo, dihlopha tsa meralo ya makala di tshwanela ho fana ka ditshisinyo tsa tsona tsa nakwana tsa diprojekte ho latela mekgwa ya tshebetso ya MKN ha meralo e tebileng ya tshebetso e tla nne e etswe nakong e tlang, empa e tshehetswe ke mekgwa ya tshebetso ya MKN le boikemisetso.
Ho latela tsena, meralo yohle e teng, diprojekte tse ntseng di tswella kapa diprojekte tse lebeletsweng le mananeo a neng a qalwe kantle ho tshebetso ya MKN a ka kenyeletswa kahare ho Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Sepheo: Dibeke tse 2 tsa boitokiso ka ho tshwana le 3/2 ho kenyeletswa le seboka sa letsatsi (mmoho le 3/2) Ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ha MKN le ho ba malala a laotswe ha Bommasepala ka ho HOBANENG kenyeletsa bohle ba taolong ya ho sebediswa le ditsebi ho tsa tshebetso ya ho rala diprojekte?
Dihlopha tsa tshebetso tsa Diprojekte di a thehwa, mme di kenyeletsa bahlanka ba thekniki ba taolong, le ba bang ba amehang tshebedisong w/r ya tshebetso ya projekte.
ENG totobetseng bo kenyeletsang mekgwa ya tshebetso ya selehae le boikemisetso w/r tseleng ya Tshebetso Dihlopha tsa tshebetso ya diprojekte di tlameha ho tjhaelwa monwana ke Komiti ya Boemedi ya MKN ho netefatsa hore batho bohle ba nang le bokgoni ba kenye NMSitswe?
Dihlopha tsa Diphuuputso tsa Diprojekte di lokela ho ba dihlopha tse nyane tsa batho ba ka bang 2 ho isa ho 5.
Boikarabelo ba sehlopha kaseng bo tshwanela ho hlahisa sephetho sa tshebetso ya ho rala lewa la mokgwa wa tshebetso.
Moo ho nang le bommasepala ba banyane ba nang le basebeletsi ba bokgoni bo haellang, dihlopha tsena di ka thehwa ka batho ba sebetsang nako tsohle kapa ba nakwana.
Ditsebi tsa tshebetso e hodima dintlha tse nyalanang jwalo ka tsa tikoloho kapa HIV/IDS di tshwanela ho kenyeletswa e le ditho tsa nakwana haeba projekte e hloka tekolo e matla ya ntlha ena mohlala; diprojekte tsa bohahlaodi le tikoloho, diprojekte tsa thekolohelo le HIV/AIDS.
Bahlanka ba thekniki ba ikarabelang phethahatsong ya tshebetso ya diprojekte ba tshwanela ho ba le seabo bohlokwa kahare ho dihlopha tsa tshebetso?
Ho thehwa ha Dihlopha tsa tshebetso ya diprojekte ke tshiya ya ho ba le lehokela la moralo phethahatso le sebetsang ka ho phethahala. Dihlopha tsa Tshebetso ya diprojekte di ka beha metheo ya ho hokela hantle tshebetso ya phethahatso ya diprojekte tsena?
Ho laola moo tjhelete ya hao e tla sebetsa teng, ho fapana le ho balabala ka ho se tsebe hore e sebeditse ho kae.
HOBANENG mehlodi e teng pakeng tsa diprojekte tsa sehlooho le ditshenyehelo tse tlwaelehileng?
Kabo ya Ditekanyetso ya Nakwana bakeng sa ditekanyetso tsa mosebetsi le mananeo a tlwaelehileng a seng ka sehloohong.
Foramo ya Boemedi ya MKN ho netefatsa dipuisano tse batsi mabapi le dintlha tsa sehlooho.
Komiti e Tsamaisang MKN e sisinye kabo ya ditekanyetso ho kenyeletswa le ditekanyetso tsa mosebetsi le ditshenyehelo tse tlwaelehileng tse sa amaneng le dintlha tsa sehlooho.
Kabo tsa Ditekanyetso di tla etswa ka kutlwisiso ya mehlodi ya ditjhelete e lebeletsweng ho latela mokgwa a tshebetso wa ditjhelete bala 2/4.
Kabo tsa ditekanyetso ditekanyetso tsa mosebetsi di tla etswa feela ke ditekanyetso tsa mmasepala.
Kabo tsa ditekanyetso tsa mananeo a lebeletsweng a mafapha a provense kapa a naha, a sa amaneng le Dintlha tsa Sehlooho tsa Mmasepala a tle a kenyeletswe.
Tlhophiso ya ditekanyetso tsa nakwana e tshwanela ho etswa ka ditherisano le makala a mafapha a provense le a naha le dibaka tse ding tse tshehetsang ka ditjhelete.
MANG monyetla wa kabo e ntjha ya bona ya meralo ya ditekanyetso ho latela Dintlha tsa sehlooho tsa mmasepala.?
Motshwari wa matlotlo wa Mmasepala o tlameha ho ba le seabo sa bohlokwa tshebetsong ena.
Le ha ho totobetse hore ditshenyehelo tsa setjhaba kahare ho sebaka sa masepala di ke ke tsa abelwa feela Dintlha tsa Sehlooho tse seng kae, moralo wa lewa o bolela hore seabo sa mehlodi e abetsweng dintlha tsa bohlokwa e lokela ho eketswa.
Kabo ya Dintlha tsa Sehlooho tseo eleng tsona tse ka sehloohong tsa setjhaba se itseng kapa ba nang le seabo ba itseng tse neng di sa kenyeletswa ke dintlha tsa sehlooho tsa mmasepala kaofela (bala Moralo 1/7) di tlameha ho nkelwa hloohong ka kabo ya matlole bakeng sa sebaka kapa projekte e tobileng batho ba itseng.
Netefaletso ya ponaletso le ho phethelo ka ho bontsha meedi ya projekte ho latela moelelo wa tsona.
Dibeke tse 5.
Ditshisinyo tsa projekte di supa hantle ditlhoko tse qoholehileng tsa setjhaba/ba nang le seabo ba hlahisitseng ngongoreho ya bona mme w/r ya Sephetho ba dumellana ka tsona.
Tsebisa setjhaba se amehang, ba nang le seabo le baahi ka projekte e lebeletsweng, ba memele dikopanong mme o lekole mehopolo le ngoreho tsa bona.
Ditlhoko tsa ho kenela morero ona di fapana ho ya ka mefuta e fapaneng ya diprojekte. Moralo wa selehae wa meralo ya tlhekelo ya ditshebeletso e amanang le setjhaba sa selehae kapa ditshebeletso tse hlokang ditherisano tse matla le setjhaba sa batho ba amehang, ka ho qoholleha, ha ho na le dilekane tse thehilweng le setjhaba. Ntho e jwalo feela e lokela hore e etsahale le ka diprojekte tse batlang fana ka tshehetso ya tshebedisano ya baamehi.
Dihlopha tsa Tshebetso tsa Projekte di lokela hore di hlahlobe hantle hore karolong efe ya projekte moo motho a ka bang le nyehelo e nang le moelelo e le ho qoba taba ya ho kgathatsa batho ka dintlha tseo eseng tsa bohlokwa ho hang?
Mokgwa wa katamelo wa Dihlopha tsa Diphuputso tsa Tshebetso o lokela hore ebe o tenyetsehang. Ha o hloke moralo wa mmasepala o o ile wa hlophiswa esale kgale?
Nakwana Tlhokeho ya nako e fapana ho latela mefuta ya diprojekte.
Moralo wa nako ha o a lokela hore o fete kgwedi e le 1 mme sena ke molao. Ha ho ka ba le kgohlano e sa kgoneng ho rarollwa ke Moifo wa Tshebetso wa Projekte Mohokanyi wa MKN o lokela hore a amehe hore a hlokomele hore ho na le tsela e tshwanelehileng ya ho rarolla kgohlano e teng?
Kameho efe kapa efe kapa taba ya hore setjhaba se kgone ho kena diprojekteng tsena ha mmoho le baamehi ke ntho e lokelang hore e kenyelletse bohle. Dihlopha tsohle tsa batho ba amehang di lokela hore di kenyeletswe ho latela boemo ba batho setjhabeng, bong, dilemo, sebaka, jwalojwalo ho qoba diqeto tse tla beha batho ba bang ka mosing.
Diprojekteng tse amanang le tshebediso ya mobu, kapa mehlodi e meng ya tlhaho dibakeng tsa selehaeng , seabo sa Marena e tla ba sa bohlokwa, ho itshetllehilwe seabong seo Marena a nang le sona mabatoweng a itseng.
Sepheo: Ho netefatsa hore ditshisinyo tsa diprojekte di ikamahanya le mekgwa ya tshebetso le metjha ya makala a Mmuso wa naha le wa provense.
Tshebetso ena e tla thuusa kaho theha ho kenyeletswa ha ba nang le seabo Mmusong, mekgatlo eo e sng ya mmuso le ba kgwebo tsa poraefete.
Ditshisinyo tsa projekte di tshwanela ho supa le ho itshetleha hodima se bolelwang ke molao, metjha ya tataiso ya mawa, mekgwa ya tshebetso, dintlha tsa sehlooho le tsebo e felletseng ka makala a mafapha naha le a provense le boitsebelo ba makala ao e seng a mmuso le a kgwebo tsa poraefete.
Mmuso, le ba nang le seabo ba poraefete ba tshwanetseng mme ba ka nna ba etsa phehiso ho ralweng ha tshisinyo ya projekte e tla lekana ditlhoko tsa projekte..
Ha o hlophisa Sehlopha sa tshebetso ya diprojekte nkela hloohong hore ke lekala lefe le loketseng la mafapha afe, ditho tsa selekane tsa mekgatlo eo eseng ya mmuso le ba tswang dikgwebong tsa poraefete ba reriswe ha ho etswa moralo wa merero ena ya diprojekte.
Ntshetsopele le boikemisetso boo ka ona projekte e ileng kgona ho hlwauwa le moralo wa mehlodi ya ditjhelete eo ho sebetswang ka yona. Hlakisa tse ya tshebetso ya ho hlophisa projekte ena ho eketsa nyehelo ya bahlanka ba lekala le ba selekane.
JWANG Kameho e tshwanela ho hlophiswa ka tsela ya molao ho latela tlhoko ya nnete. Hangata puisano e ngotsweng kapa melaetsa ya difounu ke ntho e ka sebetsang ho feta dikopano?
Bahlanka ba makala ba tswang mahlareng a mang a mmuso le mekgatlong eo e seng ya mmuso le makaleng a a poraefete ao re nang le selekane le ona, ke molao hore ba seke ba eba karolo ya Sehlopha sa tshebetso ya diprojekte empa ba reriswe ha ho hlokeha.
Sehlopha sa tshebetso ya diprojekte ha feela ba hlokeha haholo.
Bahlanka ba lekala ba tswang mahlakoreng a mang a mmuso, mekgatlong eo eseng ya mmuso eo re nang le selekane le yona ha mmoho le dikgwebo tsa poraefete ba tla ameha nako le nako ho nyalana le projekte nakong ya dikgwedi tse 2 mohatong ona.
Hopola hore diprojekte tse kgolo tse boima di tla hlaloswa ho feta hape dipatlisisong tse hlahlobang kgoneho ya projekte e theknikhale. Ka hoo, boemo ba lesedi le tla hlokeha ho Bahlanka ba Lekala ba tswang mahlakoreng a mang a mmuso, mekgatlong eo e seng ya mmuso eo re nang le selekane le yona ha mmoho le dikgwebo tsa poraefete le tshwanela ho theha maikutlo ditlhokong tsa sephetho sa Moralo wa Morero wa Diprojekte (3/3) boemong bona.
Sepheo: Ho fana ka setshwantsho se hlakileng lekgotleng, batsamaising le setjhabeng ka melemo e lebeletsweng diprojekte, ka tsela e jwalo ho fanwe ka mabaka le motheo wa tlhokomelo le tekolo ya tshebetso projekte.
Matshwao a bontshang boikemisetso bo tlameha ho nkelwa hloohong e lekarolo ya tshebtso meralo ya projekte hore a phethahatswe. Ho kgonahala ho phethahatswa boholo ba se lebeletsweng haeba sehlopha sa tshebetso sa projekte se tseba hore ke meedi efe ya tshebetso e ka fihlellwang ka mehlodi e teng.
Boikemisetso ba ka tiiswa ka letshwao le le leng le supang dintlha tse batsi kapa ka ho fana ka lesedi la boleng setshwanatshong sena.
Boikemisetso ba ho fumana boleng mohlala; ditshebeletso tse ntlafetseng tsa tsamaiso ya mmasepala a tlameha hore a totobatswe ka matshwao a mang, jwalo ka dipersente tse ekeditsweng tsa batho ba kgotsofetseng ka ditshebeletso kapa nako e fokoditsweng ya ho ema meleng.
bakeng sa basadi ho tloha ho50% ho isa ho 35% basebeletsi ba batjha bohle ba bile mosebetsing nako e fetang dikgwedi tse 12?
Matshwao a molemo feela tlhokomelong ya tse fihleletsweng ha ho etsahala hore a hlahlojwe kapa ho lekanngwa ntle le ho baka ditshenyehelo tse kgolo nakong ya pokeletsong ya lesedi.
Moo ho leng boima ho lekanya tshusumetso ho latelang palo ya bongata kapa bonyane tshebetsong, tlhatlhobo ya seabo ho tse fihlelletsweng bathong ba tobilweng le mehlodi ya selehae e ka lebellwang.
Ho bolella batsamaisi hore ba finyeletse ditshebeletso dife - Ho bolella batho seo ba ka se lebellang.
Sepheo: Ho fana ka tsa tsamaiso ya projekte le melemo ya batho ka kutlwisiso e totobetseng mabapi le se tla ajwa, ho mang, neng le hokae.
HOBANENG - bakeng sa ho tsamaiso ya tshebetso Tsamaiso ka Boikemisetso?
Ho hlalosa hore ho tla ajwa bokae ho mang, selemong sefe, le sebakeng sefe.
Ditherisano tse haufi le dihlopha tsa batho ba tobilweng le ba selekane diprojekteng.
Tshebetso e entsweng ke phehiso ya projekte bakeng sa boikemisetso ba behilweng. E tla hlaloswa e le karolo ya tshebetso eo ho yona dipalopalo palo tse neng di tobilwe di amahantsweng le boikemisetso ka tsela e tlisang kutlwisiso ya hore ka tshebetso e itseng boikemisetso ba ka fihlellwa.
Qeto mabapi le batho ba tobilweng, meedi ya selemo le selemo le dibaka e fana ka moelelo wa diqeto hodima dintlha tsa sehlooho ke mang ya tlang pele mme ditlhoko di tshwanela ho amana le dintlha tse behilweng ka sehloohong tsa selehae jwalo ka ha di ile tsa qohollwa ke baahi ba moo le baamehi boemong tlhophollo tadima Moralo wa Mosebetsi wa 1/2?
Ditemoso ya Moralo wa tsela ya tshebetso tshebetso e etswang ke ditshebeletso; di supa seo mokgatlo wa boemedi o phethahatsang projekte ena o ka fanang ka sona ho basebedisi kapa sehlopha sa batho ba habilweng.
Fihleletsweng ke sona sekala sa tshebetso e entsweng, e bontshang hore tshebeletso tse lokelang ho finyeletswa bathong ke tse kae nakong e itseng.
Boikarabelo le ditlhophiso tse sisintsweng ke mokgatlo.
Nakong ya tshebetso ya ho hlalosa tshebetso e entsweng, tse lokelang ho fihlellwa le dibaka, letoto la diqeto tsa tlhophiso le tse theknikhale tsa mawa a selehae di tlameha ho etswa mohlala; ka theepa ya ho haha, boholo le sebaka moo se leng teng sa merero ena ke Dihlopha tsa Tshebetso tsa Diprojekte. Diqeto tsena di hloka kameho ya ba tla una molemo le mekgatlo yohle e tlamehang hoba le seabo sa ho fana ka tshehetso ya ditjhelete le ho phethahatsa mosebetsi?
Tlhoko ya nako.
Tsela eo Tshebetso ya Projekte e hlaloswang e amana le ntlha ya maemo a ditshebeletso mme, ka hoo, le ditjeho tsa dipeheletso le ditjeho tsa metjha ya ditshebeletso. Le ha tse ding tsa diqeto tsena di ka be di hlophisitswe pejana ho latela tshebetso ya bo etswa ha diqeto, dintlha tse ding di ka nna tsa tshwanela ho etswa ka bonngwe, boemong ba puso ya selehae.
Ho netefatsa hore boima ba mosebetsi bo tla jarwa.
Sepheo: Ho netefatsa lehokela la phethahatso e ntle ya moralo ka ho hlophisa moralo wa tshebetsong wa moralo wa kgwebo wa o tebileng wa sa leano le selemo.
W/r Sephetho sa tshebetso se tlamehang ho etswa, neng le hore ke bomang.
Moralo ona wa Mosebetsi.
Moralo wa mosebetsi o bolela hore ho nyalanya tse behilweng hore di fihlellwele mehlodi e teng. Ka ho etsa jwalo, o lokela hore o sekamele tshebetsong e lokelang hore e etswe ho ntse ho nketswe hloohong moralo wa mehlo e teng. Ka lebaka la tlhophiso ya tshebetso e etsetswang / tse behilweng hore di fihlelwe di lokela hore di lokiswe, ha mehlodi e haella hore ho ka etswa mesebetsi e hlokehang.
Boemong bona meralo o phethahetseng wa mesebetsi ha ho hlokahalekapa o keke wa kgoneha. Ho hlokeha feela mesebetsi eo e meholo hore ho etswe dipalo tsa ditjeho le ditlhoko tsa ditekanyetso.
Nako e behilweng e tshwanela ho akaretsa dilemo tse hlano.
Nako ya tshebetso e ka etswa ka motheo wa selemo le selemo.
Ho netefatsa hore matlole a a netse.
Sepheo: Ho netefatsa tlhophiso e a netseng ya ditekanyetso ka ho lepa ka nepo tjelete e tla hlokeha le ho lokisa tshebetso e etswang le boikemisetso mabapi le mehlodi e teng ya tjhelete.
HOBANENG Ho phehisa bakeng sa tshebetso/ditshebeletso tse tsitsitseng ka ho lepa ka nepo ditjeho tsa tshebetso tsa selemo, le mehlodi ya ditjhelete?
Kakanyo ya ditjeho tsa peheletso tsa yuniti ka nngwe.
Kakanyo ya ditjeho tsa tshebetso tsa selemo, le mehlodi ya ditjhelete.
Ditherisano tse haufi le motshwari wa matlotlo le mekkgatlo e w/r ya tsela ya Tshebetso tshehetsang ka ditjhelete.
Bala kakanyo ya ditjeho le ditekanyetso tsa pele tsa nakwana ho latela motheo wa tshebetso e etswang le e lebeletsweng le mesebetsi e meholo.
Bapisa le kabo ya ditekanyetso tsa nakwana le lesedi la mehlodi ya ditjhelete.
Dipalopalo tsohle tsa ditjeho le tsa ditekanyetso boemong bona ba moralo ke dikakanyo feela tsa nakwana.
14 Moralo wa taolo ya Kuduwa.
Dipuisano tsa ditjhelete/dintlha tse lokelang ho tadingwa pele.
Mohatong wa 4, mmasepala o tshwanela ho netefatsa hore ditshisinyo tsa diprojekte di tsamaisana le boikemisetso le mekgwa ya tshebetso eo ho dumelanweng ka yona, le meralo ya mehlodi, (ya ditjhelete le ya mmasepala) le se hlokwang ke molao.
Ho feta mona, ditshisinyo tsa diprojekte ka bonngwe di ka tshwanela hore di kopanngwe ho latela dika teng, sebaka le nako e behilweng hore mananeo a bokeletsweng a bakeng sa bommasepala le makala kapa dikhampani tse abang ditshebeletso di be le seabo kabong ya ditshebeletso tsa mmasepala. Mohato ona o bohlokwa bakeng sa ho fihlella Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
Mohatong wa 4, mmasepala o tshwanela ho netefatsa hore ditshisinyo tsa diprojekte di tsamaisana le maikemisetso le mekgwa ya tshebetso eo ho dumelanweng ka yona, le meralo ya mehlodi, (ya ditjhelete le ya mmasepala) le se hlokwang ke molao. Ho feta mona, ditshisinyo tsa diprojekte ka bongwe di ka tshwanela hore di kopangwe ho latela dikateng, sebaka le nako e behilweng ka morero wa hore ho fihlelwe mananeo a tlatseleditsweng le a kopanetsweng hore bommasepala le makala a boemedi kapa dikhampani tse abang ditshebeletso di kgone ho ameha kabong ya ditshebeletso tsa mmasepala. Mohato ona ke wa bohlokwa ho fihlela Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele.
a Mereri e lekotsweng ya projekte tse sebetsang jwalo ka ditokomane tsa meralo tsa phethahatso kapa dipatlisiso tsa ho bona hore morero o jwalo o a sebetsa e le ka nete.
Lenaneo la lekala le le leng bakeng sa lekala ka leng la boemedi c Moralo wa tsa ditjhelete wa dilemo tse hlano bakeng sa mmasepala o tla sebetsa jwalo ka motjha wa nakwana wa tsa ditjhelete bakeng sa ho laola pokeletso ya kuno ya mmasepala le bakeng sa moralo wa tsa ditshenyehelo.
kenyeletsa ditshenyhelo tse kgolo le tse dulang di hlahela mme o sebetsa jwalo ka tokomane ya bohlokwa bakeng sa ho netefatsa meralo e keneletseng - ditekanyetso (Moralo wa mosebetsi wa 4/4).
Ho netefatsa hore ho na le lehokela la moralo o kopaneng wa ditekanyetso d Lenaneo la dilemo tse hlano la Dipeheletso tse kgolo le kenyeletsang dipeheletso tsa setjhaba e tswa mehloding yohle ya matlole. Ho molemo ho bokeletsa dipeheletso tsa setjhaba tse tswang mehloding e fapaneng ho ya ka dibaka le nako kaha sena se fana ka lesedi mabapi le (bokgoni) makala a tshehetsang ka ditjhelete.
lehokela le kopaneng la moralo wa phethahatso.?
f Tsela e kopanetsweng ya Tlhokomelo le Taolo ya Tswelopele e kenyeletsang ntshetsopele mmoho le matshwao a supang tshebetso e etswang. Tsela e na e itshetlehile hodima matshwao a sebeletsanang le projekte, meedi bakeng sa tshebetso le kgatelopele tshebetsong.
le lehokela le kopaneng la MKN la taolo ya tshebediso ya naha h Lenaneo le Kopnatsweng la Phokotso ya Bofuma/Tekano ya Bong le supang boikamahanyo le maano le metjha ya tataiso ya MKN e emanang le dintlha tse mabapi le bofuma le bong.
Moralo wa mosebetsi wa 4/10.
Moralo wa mosebetsi wa 4/12.
l Lenaneo le Kopanetsweng la HIV/AIDS le supang mawala ohle a ho sebetsana le sewa sena ka ho phethahala (Moralo wa mosebetsi wa 4/13).
Boholo ba tshebetso tsena tse entsweng ke dikgutsufatso. Tshebetso tsena ha di hloke ho ralwa ho feta mona le hore ho nkwe diqeto tse ding ho feta mona. Di hloka feela ho hlahlojwa di bapisitswe le tse ding, ho lekolwa le ho bokeletswa.
Makala bakeng s aboikamahanyo le ditlhokotsa makala. Nakong ya tekolo, makala a ka bokeletsa mananeo a ona a radilweng.
Boemedi ba MKN e fihlelang dikgothaletso tsa ditshisinyo tsa morero wa diprojekte tse lohothwang ka tsela ya dipuisano.
Dikgothaletso di supa moralo wa diprojekte, tekanyetso tsa diprojekte le dintlha tsa sehloho ho latela nako e behilweng tse tatetsweng ho feta nako ya selemo 1, tse sa tatelwang haholo dilemo tse 5.
makgobonthithi a amanang le Tshebetso a ho fumana ditjhelete le dintlha tse tshwauweng e le tsa sehlooho boikamahanyo le maano, dintlha tsa sehlooho, mawa a tshebetso le tsela ya ho sheba botsitso kapa kgonahalo ya projekte; le kgokahanyo pakeng tsa diprojekte ho latela sebaka, nako le dintlha tse fuperweng ke projekte.
Kabo ya ditjhelete le ho tsepamisa ntlha tsa sehloho ho latela nako e behilweng ke ntho tse amanang haholo le ho tshwaneleha le boleng ba morero wa projekte e lohothwang.
Projekte ho tsamaelana le dikgothaletso, leha ka nakong yona ena mananeo le meralo e kopanetsweng (ao e leng ya mokgwa wa tshebetso) a bokeletswe ke bahlanka/diprofeshenale tse sebetsanang le dintlha tse nyalanang ka mahlakore kaofela. Jwalo ka ha mananeo a tshwanela ho supa ditshisinyo tsa diprojekte tse lekotsweng botjha, tshebetso tseo ka bobedi di tlameha ho etswa ka tsela e kgothaletsang mokgwa wa tshebedisano.
Ka ditshisinyo tsa diprojekte tse lekotsweng botjha le mananeo le meralo e kopanetsweng ao ho dumelanweng ka ona tshebetso ya MKN e phethetswe, mme e ka na ya bokeletswa e tswa tshebetsong tse fapaneng tsa mehato e mene ho isa ho Moralo wa MKN.
di tsamaisana le metjha ya tataiso ya mekgwa ya tshebetso, maikemisetso le meralo ya mehlodi di supa dintlha tsa sehlooho tsa batho di hlophisitswe ka tsela e sa senyeng tjhelete di ka kenywa tshebetsong ka tsela e hlophisitsweng hantle.
Nehelanweng ka tsona tse lohothwang.
Rala mananeo a lekala a bokeletsweng ho latela merero ya projekte tse hopotsweng.
Tlaleho le dipuisano tsa ditshisinyo tsa projekte Foramong ya Boemedi ba MKN ho ka netefatsa tshedisano diprojekteng tsa makala a mangata tsa mahlakore a mangata.
Boemedi ba MKN ho kenyeletswa maikutlo a tswang dikomiting tsa koloso.
Mafapha a makala a ikarabelang ho lekolweng ha boikamahanyo le ditlhoko le ho bokeletsa mananeo a batsi a makala.
Foramong ya Boemedi ba MKN.
MANG tsa tshebetso ya ho kopanya e ntseng e lohothwa ya boikamahanyo le tshebedisano di etsahalang teng. Ka hoo, mosebetsi wa dipuisano tsa makala moo ho buisanwang ka matlole a haellang o tla be o amana haholo le boikamahanyo le tshwaneleho ya merero ya diprojekte ho latela moelelo wa metheo ka kakaretso, dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho tadingwa pele le mawa?
Wekshopo: matsatsi a 2 ho isa ho a 3.
Tekolo le tlhahiso ya maikutlo hodima ditshisinyo tsa diprojekte ke se tshwanelang ho etswa ka tshebetso e nang le ponaletso e latelang tsela e itseng, e ka amohelwa ke bohle ba amehang e le e hlokang leeme, ebile ele sona se hlokehang pele bakeng sa kamohelo ya tsela ya tshebetso ya sephetho.
Sepheo: - Ho netefatsa tsamaiso ya mmasepala, mekgatlo e tshehetsang ka ditjhelete, boradipolotiki, baamehi ka ho fapana le setjhaba se nang le tjheseho ya ho shebana le ho tshwana ha dintlha mabapi le tse nyalanang, jwalo ka botsitso ho tsa ditjhelete, tsa sebaka, moruo, tshusumetso tikolohong le setjhabeng.
Moralo wa Tsamaiso ya tsa Dikoduwa.
Nakong eo Meifo ya Tshebetso tsa diprojekte e lekolwang botjha merero ya yona ya diprojekte tse lohothwang, meralo e kopanetsweng e ntse e bokeletswa bakeng sa dintlha tse fapaneng ka katamelo e kgolo le tshebetso ya tekolo ya diprojekte hape.
Ka nako yona eo makala a tlameha ho lekola mananeo a ona botjha.
Pheletsong ya tshebetso meralo e kopanetsweng empa e seng merero ya diprojekte tse lohothwang e a tshohwa mme e rerwe Foramong ya Boemedi ya MKN.
Ditho tsa Komiti e Tsamaisang MKN, Foramo ya Boemedi ba MKN kapa ditsebi di tshwanela ho kgethwa ho hlophisa meralo e kopanetsweng ya ditshisinyo tsa diprojekte le lewa la tshebetso la selehae.
Tlhophiso ya manaeo a kopanetsweng ha se ho eketsa mosebetsi wa ho rala o entsweng hona jwale ho fapana le moo, e bolela ho bokeletsa kgutsufatso tsa dintlha tsohle tse nyalanang. Kaha dikgutsufatso tsena ke tsona boitshetleho ba ho tsepama le boikamahanyo, di ka na tsa qosa tekolo e ntjha ya ditshisinyo tsa diprojekte le diphetho tse seng di entswe meralo le mananeo a kopanetsweng.
Wekshopo ya Foramo ya Boemedi : matsatsi a 2 ho isa ho a 3.
Sepheo: Ho netefatsa phethahatso ya ditlhoko tsa meralo ya makala le boikamahanyo le maano a makala, mekgwa ya tshebetso le mananeo, ka hona, ho etswe motheo wa moralo wa tshebetso ya lefapha le ditekanyetso.
Kgutsufatso ya tlhaloso ya maqephe a 2-3, bakeng sa lekala ka leng le hore ke ya moralo wa projekte efe ho latela tshebetso ya MKN.
meralo ya nako ya diprojekte tse mabapi le makala a itseng kapa dikarolo tsa makala a diprojekte.
Meralo ya makala lehlakoreng la metsi, dipalangwang le taolong ya ditshila (bala 4/3a, 4/3b, 4/3c).
Bala Moralo wa mosebetsi wa 4/2.
Moo ditlhoko tsa molao tsa makala a provense le naha di leng teng w/r tseleng ya tshebetso di tshwanela ho kenyeletswa bakeng sa makala ao hore di nkwe e e le karolo ya MKN.
Naa dintlha tsa lekala tsa tlhophollo di rarolotswe?
Naa boikamahanyo le metjha ya tataiso ya lekala e teng?
Naa ho na le mekgwa ya katamelo e sa tliseng tharollo kapa e sa tliseng tharollo e phethahetsong, nyehelo tsa lekala tse tshwanelehileng?
Hlahloba hore naa mekutu ya makala e tsamaisana le mehlodi ya ditjelete le a basebetsi e leng teng mme o lekole le dikarolo tsa nako le sebaka.
Fana ka tlaleho ho Moifo wa tshebetso ya Diprojekte haeba ho na le ho se ikamahanye kapa tekolo e haellang.
Fana ka Lenaneo la Lekala ka leng, ha mmoho le maikutlo ekasitana le dikgothaletso, Foramong ya Boemedi ba MKN.
Pokeletso ya Lenaneo ka leng le Kopanetsweng la Lekala e tshwanela ho etswa ke mohlanka ya ka sehloohong wa mmasepala ya ikarabelang taolong ya phethahatso ya lenaneo.
Lenaneo le Kopanetsweng la Lekala ka leng ha se keketso ya lenaneo ntle le hore ke projekte tse sebetsang ka dintlha tsa sehlooho. Sepheo ke ho fumana nyehelo tsa lenaneo la makala e tswang ho Diprojekte tsa MKN, lekaleng ka leng, mme di bapiswe le diprojekte tsa mafapha a mang ho latela mehlodi le nako e teng.
Bakeng sa makala aoa hlokang meralo ya makala e ikgethileng, tshebetso e etswang e tla ba karolo ya meralo ena ya makala, e totobetse ho feta e hlahelang letotong le akaretsang tsohle mabapi le "Mananeo a Kopanetswe ng a Lekala". Leha meralo ena e se karolo ya MKN (empa e le kgutsufatso ya yona feela), ditlhoko tsa yona di kgutsufaditswe hore ditlhoko tsa meralo le tsona di kenyeletswe ho MKN.
tokomane ya lesedi le fupereng dintlha tse lokelang ho fihlelwa tokomane e fupereng lesedi ka basebedisi ba teng hona jwale le ba ka nako e tlang ha mmoho le boemo ba ditshebeletso.
tekanyo ya metsi, mehlodi ya metsi le boleng.
meralo ya ditshebeletso tsa metsi.
taolo ya tlhoke ho ya metsi tsamaiso ya mmasepala ditjhelete le bokgoni.
Pale, ya maqephe a sa feteng 30, ya Meralo ya Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi.
Meralo ya Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi e tshwanela ho hlophiswa ke Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Metsi.
Tataiso ya DWAF, moralo le lenane la tekolo bakeng sa meralo ya ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi, kgatiso ya 2 (Phato 1998).
Dikarolo tse ding tsa WSDP di tla be di se di phatlaladitswe mehatong ya pejana ya tshebetso ya meralo e kopanetsweng. Mosebetsi ha jwale, ke ho bokeletsa lesedi ho le etsa moralo wa lekala bakeng sa nyehelo.
Moralo o Kopanetsweng wa Dipalangwang o tlameha ho ba ponelopele/leano le maikemisetso a bolaodi ba meralo, o tsamaisanang hantle le wa naha le provense.
a ho qaqisa diphetoho tse teng maanong le maweng a bolaodi ba meralo mekgweng ya tshebetso ya dipalangwang tse tsamayang fatshe ho tloha moralong wa dilemo tse hlano wa nakong e fetileng.
i ho bontsha ka tatelano, diprojekte le dikarolo tsa diprojekte tse tla etswa nakong ya dilemo tse hlano, le ditjeho tsa projekte ka nngwe, le ii itlhophise ka meralo e kopanetsweng ya ntshetsopele le maikemisetso a ntshetsopele ya mobu a hlahelang ho DFA, kapa moo e leng teng; ho latela melao ya provense.
d kenyeletsa Ditekanyetso tse phethahetseng tsa bolaodi ba meralo, tse akgang mehlodi ya ditjhelete mabapi le dipalangwang tsa fatshe bakeng sa selemo seo sa ditjhelete ho ya ka moralo o behilweng ke SLP.
ENG theepa/matlakala a kotsi?
ITP ke boikarabelo ba Bolaodi ba tsa Dipalangwang, bo tsamaisanang le lekgotla la setereke. Ka hona, bahlanka ba makala ba tshwanela hore ebe bahlanka ba setereke.
Tokomane tsa Tataiso e ikgethang Ha e hlokehe.
IWMP ke boikarabelo ba sethatho ba mmasepala ka mong.
Mmasepala o tlameha ho hlwaya mohlanka wa lekala a le mong ya ikarabelang hodima IWMP ho ya mafelong a Mohato wa 1.
dintlha tsa taolo ya ditshila tse tswang tshebetsong ya MKN ho sebetsanwa le tsona hantle ho latela ditlhoko tsa IWMP, mme ditlhoko tsa IWMP tse sa amaneng le dintlha tsa MKN ho sebetsanwa le tsona ka tsela ya moralo o tsamayang ka nako e le nngwe le tshebetso ya meralo.
Tshilafalo e Kopanetsweng le Taolo ya Ditshila ho la Afrika Borwa moo ho tshwanetseng hore ho buuwe taba ena ka botebo bo fetang mona. Ditlhoko di tlameha ho kenyeletswa molaong wa tshebetso ya ho tlisa diphetoho e tseleng ho DEAT.
Dikarolo tse ding tsa IWMP di tla be di se di phatlaladitswe mehatong ya pejana ya tshebetso ya meralo e kopanetsweng. Ho tea mohlala, boitshetleho ka lesedi, palo/dibaka moo baahi ba leng teng le bongata/bonyane ba matlakala mme tse ding di tla hlahiswa nakong ya mohato wa tekolo - mohlomong e le karolo ya dintlha tsa MKN kapa ka nako e le nngwe, ho itshetlehile hodima dikamano tsa lekala le dintlha tsa MKN le qeto e mabapi le ho tsepamisa ditlhoko tse hlahelang ho moralo wa mosebetsi 1/9c.
Mosebetsi ona boemong bona ke ho tlatseletsa lesedi moralong wa lekala hore ho nehelanwe ka ona.
Sepheo: Ho theha moralo wa lewa la tshebetso la nakwana la ditjhelete bakeng sa ho abela bommasepala mehlodi ka tshebetso ya ditekanyetso ya bommasepala hore ho netefatswe boemo ba tsa ditjhelete ba masepala le dipeheletso le tshebetso ya ona.
HOBANENG Ho netefatsa meralo e tebileng lehokela la ditekanyetso?
Lenane la theepa le tlhaloso e kgutshwane ya mehlodi ya tsamaiso ya tsa ditjhelete ho kenyeletswa Bolaodi ba Ditjhelete.
ENG ya mmasepala le la ho bokeletswa ha ba ba sa lefang mmasepala?
Metjha ya tshebetso le ya tataiso ya sehlooho ya ditjhelete.
Lewa la mekgwa ya tshebetso ya ditjhelete ka kakaretso.
Lewa la mekgwa ya tshebetso ya ho baballa tjhelete.
Kgutsufatso ya lenane la Moralo wa Nakwana wa Ditshenyehelo wa dilemo tse 3.
Mawa a ho eketsa kuno a tshwanela ho kenyeletsa ditjeho tsa ho kenya tshebetsong, phaelo ya selemo le selemo le kgolo ya selemo le selemo ya kuno ka bolepi ba dilemo tse hlano ho tsa kuno.
Mawa a tshebetso a mabapi le theepa e boleng bo hodimo kapa ya bohlokwa e tla kenyeletswa Leweng la taolo ya theepa.
Bolepi ba ditshenyehelo tsa tshebetso bo tshwanela ho kenyeletsa ditshenyehelo tsa tshebetso tse hlahelang kgafetsa jwalo ka khiro ya basebetsi, tsamaiso ya theepa, theko tsa tsa ditshebeletso tse kgolo ka ditshenyehelo tsa mafapha ka ho otloloha jwalo ka tlhokomelo ya ditsela le dirapa tsa ho boithapollo.
Kgutsufatso ya boemo ba ditjhelete ba lekgotla ba dilemo tse hlano e tla etswa ke kuno yohle e lebeletsweng ha ho tloswa ho yona ditshenyehelo tsa tshebetso, ho tloswe hape ditshenyehelo tse kgolo ka lewa le tshwanetseng la ho tlisa diphetoho tsa ho sebetsana le kuno e lebeletsweng kapa tjhelete e tla tlola ditekanyetso.
Dilemo tse 3 tsa Moralo wa Ditshenyehelo tsa Nakwana di tshwanela ho tsamaisana le ditlhoko tsa Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba le Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Mmasepala.
MANG Lefapha la motshwari wa matlotlo le tshwanela ho jara boikarabelo ba ho etsa moralo wa tsa ditjhelete ka therisano tse haufi le motsamaisi wa mmasepala, hlooho tsa mafapha, komiti ya phethahatso kapa majoro wa phethahatso?
HOBANENG motheo wa boikarabelo?
Lefapha la Motshwari wa matlotlo le tshwanela ho jariswa boikarabelo ba ho bokeletsa moralo wa tsa ditjhelete ka tshebedisano le motsamaisi wa mmasepala, hlooho tsa mafapha ts eikarabelang hodima diprojekte tsa dipeheletso le batshehetsi le baabi ba ditshebeletso ba tshwanetseng.
Nako e hlokehang Ha ho tshebetso e ka thoko, empa moifo wa makala a mangata o lokela ho etsa n nakwana nako ya bonyane dibeke tse hlano e tla fumaneha hore ho ralwe le ho phethahatsa tokomane tsa lenaneo la peheletso ya ditjhelete.
Ho tloha nehelanong ho fihlela wekshopong ya pele: Beke e 1.
Lenaneo le tlatseleditsweng la ditjhelete tse tsetetsweng ke sesebediswa sa bohlokwa sa ho hlahloba ditekanyetso tsa projekte e rerilweng (le dikakanyo tsa ditjeho) ho latela ka moo le bonwang ke balaodi ba ditjhelete. Ke ntho e hlokang ditherisano tse haufi haholo le Meifo ya shebetso ya Projekte ho ka fihlela moralo wa projekte e nang le kelello le dipalopalo tsa ditshenyehelo.
Ho theha Mananeo a ditjhelete tsa Matsete ho latela mehato e fapaneng ho ama le hlwaya dintlha ka bohlokwa ba tsona ka tlhatlhamano.
Foramo ya Boemedi ya MKN.
Pele tse ding tsa diprojekte di behellwa thoko ho latela tlhophiso ya bohlokwa ba tsona, ho tshwanetse hore ho sebediswe tsela tsohle tsa ho fokotsa ditshenyehelo.
Nako ke mohlodi wa bohlokwa ka ho fetisisa.
Sepheo: (1). Ho netefatsa tshebedisano pakeng tsa moralo o kopanetsweng wa ntshetsopele le tsamaiso ya mmasepala ka ho fana ka kakaretso ya mesebetsi e meholo ya mmasepala e tswalwang ke MKN.
HOBANENG Ho theha sebae sa tlhokomelo ya katleho e etswang?
W/r ya tshebetso mekolokotwane e meholo le mesebetsi e entsweng e neng e rerilwe ho fihlellwa..
Lenaneo la dilemo tse 5 la Mosebetsi ha le a lokela ho etswa ka tsela ya tlaleho ya molomo, empa le lokela hore le etswe lenane le kapa tjhate e fanang ka kgutsufatso ya lesedi la projekte nakong ya dilemo tse tsena.
Motsamaisi wa lekgotla la mmasepala jwalo ka mohlanka ya ikarabellang tsamaisong ya mosebetsi wa phethahatso o lokela ho amohela boikarabelo ka ho otloloha ba mosebetsi wa moralo. Sena se tla mo thusa hore a fumane maikutlo a hore MKN ke moralo o nang le moelelo ha ho nkelwa hloohong bokgoni ba tsamaiso ya mmasepala.
Ela hloko: Ho etsa Lenaneo la Tshebetso la dilemo tse hlano ke hoba le sesebediswa sa bohlokwa sa ho hlahloba MKN le morero wa projekte e lohothwang ka leihlo la botsamaisi.
Tshebetso ya Projekte hore ba fihlelle merero ya diprojekte tse nang le monyetla wa hore di fihlelehe.
Molaodi wa Mmasepala ebile e le sesebediswa sa taolo sa Lekgotla.
Moralo wa nako e nang le matsatsi a kgatelopele ya diprojekte tsohleletoto la matshwao a supang tshebetso a sa amaneng le projekte ka ho otloloha.
Moralo wa tshebetso o kenyeletsang ditlhoko tsa mehlodi bakeng sa tsamaiso ya tsela ya ho lekola le tsamaiso ya tshebetso e entsweng, ho kenyeletswa phalo ya lesedi, nako e behilweng le batho ba ikarabelang.
Bala Moralo wa mosebetsi 4/2.
Tsela ena e Kopanetsweng ya ho lekola le ho tsamaisa tshebetso e entsweng o thehilwe ka mokgwa wa pokeletso ya lesedi, tshebetso ya dipuisano le tekolo.
Bokeletsa le ho lekola matshwao ohle bakeng sa maikemisetso a projekte le ho a kopanya ho latela mefuta ya matshwao le dipalopalo tsa meedi.
Fana ka tlaleho ho Dihlpha tsa Diphuputso tsa Diprojekte le ho netefatsa hore diphethoho tse hlokehang di tla etswa.
JWANG Bokeletsa maqephe a tekolo ya tshebetso le moralo wa tshebetso bakeng sa ho sebediswa ha tsela ena?
Mmasepala ka mong o tshwanela ho thonya mohlanka ya ikarabelang bakeng sa tekolo le tsamaiso ya tshebetso yatla ikarabela ka ho otloloha ho Molaodi wa Mmasepala.
Mohlanka enwa o tshwanela ho jara boikarabelo ba ho hlalosa tsela ya ho lekola le ho tsamaisa tshebetso e entsweng.
MANG netefatsa hore meralo ya diprojeke e anetse tekolo ya katleho le tshwaetso ya ona?
Diphetoho (ka morao ho wekshopo ya bobedi): Letsatsi le 1 ho isa ho a 2.
hlakile hantle mme a tobile hoo a ka lekanngwang bonolo ho a hlahloba ntle le ditjeho tse hodimo tsa diphuputso na le bonnete ba w/r mabapile le se ka fihlelwang ka mekutu e teng nakong e itseng.
Bakeng sa tataiso e nang le mokgwa o ka latelwang motheong wa tlhokomelo e kgonehang ya tshebetso le ditsela tsa taolo tsa ho lekola tshebetso e entsweng tadima Tataiso ya VI ya letoto la MKN.
HOBANENG - ho thehwa ha moralo bakeng sa tshepo ya boramatsete o tsamaisang dipeheletso tsa setjhaba le tsa dikgwebo tsa poraefete?
ENG sebaka maikemisetsong ohle a ntshetsopele sebaka moo diprojekte di etswang; le kgutsufatso ya dintlha tsa tekolo e ntjha le diprojekte kapa dikarolo tsa diprojekte tse amanang le tsona?
Dimmapa tse supang mekgwa ya tshebetso le maikemisetso a tsa sebaka a totobetseng ka botlalo.
Bala Moralo wa mosebetsi 4/2.
dibaka tse ding moo tshebediso e itseng ya mobu e qheletsweng thoko; le dibaka tsa diprojekte tsa MKN, ho fana ka bopaki ba boikamahanyo le MKN ka maikemisetso le mekgwa ya tshebetso e hlahelang dimmapeng.
Lefapha le ikarabelang hodima tsa meralo le tshwanela ho jariswa boikarabelo ba ho hlophisa Moralo wa Ntshetsopele wa Sebaka mabapi le ditshisiyo tsa diprojekte le mawa a tataiso a selehae.
Tshebetso ya ho hlophisa dimmapa le moralo wa ditokomane tse kgutsufaditsweng (kgaolo) e boima haholo mme e tla hloka ditshebeletso tsa setsebi se jwalo ka khatografa, moradi wa teropo kapa lebatowa ya nang le kutlwisiso e phethahetseng ya sephetho sa tshebetso ya meralo ya selehae.
Moo mmasepala a hlokang bokgoni ba profeshenale lekaleng la tsa moralo wa teropo, ho ka rerisanwa le setsebi (mohlala: se tswang Setsing sa PIMS) hore se tlo thusa.
Moralo wa Ntshetsopele wa tsa sebaka ke karolo e tlamang ya MKN. Sena se bolela hore o tlameha ho totobala ha e ba o ba tla ho dumela/thibela tshebediso e itseng ya mobu. Sena, leha ho le jwalo, ha se bolele hore o tlameha o laele mabapi le tsela eo mobu o tla sebediswa ka teng. Ha ho hlokehe tsepamiso e akaretsang ya sebaka sohle e mabapi le tshebediso ya mobu ka mabatowa.
Sepheo: Ho netefatsa mehato e tshwanang le e tsitsitseng ya ho fedisa bofuma le ho kenya letsoho tabeng ya ho tekanyo ya bong ho mmasepala.
sephetho sa tekolo tsa moruo wa setjhaba (1/6) ka bokgutshwane.
ENG - kgutsufatso e bokeletsweng ya tshebetso e amanang le bofuma le bong eo e leng karolo ya diprojekte tse radilweng?
Naa ho na le mathata a maholo a mabapi le bofuma lebong a sekasekilweng?
Naa ho na le boikamahanyo le metjha ya tataiso/tshebetso?
Naa ho na le tsela tse hlohleletsang bofuma kapa ho se lekane ha bong?
Kgutsufatsa metjha yohle e mabapi le bofiuma/bong le dintlha tsohle e le karolo ya lenaneo le phethetsweng.
Fana ka tlaleho ho Moifo wa tshebetso ya Diprojekte moo ho se nang boikamahanyo kapa nako e lekaneng ya ho tsepamisa maikutlo ntlheng ena.
Tekano ya Bong.
Pokeletso ya Lenaneo le Kopanetsweng la Phediso ya Bofuma le Tekanyo ya Bong e tlameha ho etswa ke mosebetsi ya nang le bokgoni/tsebo ya tshebetso.
MANG mohatong wa 4?
Lenaneo le Kopanetsweng la Phediso ya BOfuma le Tekanyo ya Bong ha se lenaneo le leng ho fapana le diprojekte tse sebetsanang le dintlha tsa sehlooho.
MKN. Ka hona, ke sesebediswa se tsepamisang tshebetso ho fapana le ho qhelela ka thoko dintlha tse mabapi le bofuma le bong.
dintlha tsa tikoloho tse potlakileng di rarollwa ka ho phethahala.
HOBANENG - diprojekte tse lohothwang ha di na tshusumetso e fosahetseng tikolohong ya tlhaho?
Bala Moralo wa mosebetsi 4/2.
Tikoloho le Meralo ya Phethahatso.
Lekola Molao wa Paballo ya Tikoloho wa 1989 le Melawana ya EIA ya 1997 le tokomane ya tataiso, bakeng sa mekgahlelo ya mesebetsi e hlokang EIA le mehato e amehang ya phethahatso.
Naa dintlha tsa tikoloho tsa tlhophollo di rarolotswe?
Naa ho la le boikamahanyo le mawa a tataiso ya tshebetso?
Naa ho na le tsela tse hlwayang, e lepang, le ho lekola tshusumetso e teng le e nang le monyetla wa hoba teng tikolohong, ka morero wa ho fokotsa tshusumetso e mpe le ho eketsa tse nang le molemo?
Kgutsufatsa mehato yohle e amanang le tikoloho, dintlha le mesebetsi e le karolo ya lenaneo le phethahetseng la tikoloho.
Tshetlehela Foramo ya Boemedi ba MKN mananeo ohle ha mmoho le maikutlo eksitana le dikgothaletso.
JWANG Netefatsa hore dikgothaletso tsa Foramo ya Boemedi ya MKN di kenyeletswa morerong wa projekte ya qetelo le Lenaneong le leng le le leng la Makala a Kopanetsweng?
Mohlanka ya ka Sehloohong wa Mmasepala ya ikarabelang ditabeng tsa tikoloho o tshwanela ho jariswa boikarabelo ba ho bokeletsa Lenaneo le Kopanetsweng la Tikoloho.
mohatong wa 4.
Lenaneo le Kopanetsweng la Tikoloho ha se lenaneo le leng ntle le diprojekte tse sebetsanang le dintlha tsa sehlooho.
MKN. Ka hoo, ke sesebediswa se tsepamisang tshebetso ho feta hoba setho se ekeditsweng feela, sa dintlha tsa tikoloho.
Sephetho: Ho netefatsa metjha e tsitsitseng ya ho phahamisa tshebetso tse ntlafaditsweng tsa moruo wa selehae le menyetla ya mesebetsi.
w/r ya Tshebetso - sephetho sa tekolo ya moruo wa setjhaba (1/6) ka bokgutshwane.
ho ama ntlha ya lewa la tataiso ka mokgwa wa tshebetso o mabapi le ntshetsopele ya moruo wa selehae (2/3); le kgutsufatso e bokeletsweng ya tshebetso e amanang le Diprojekte tse ikemetseng tsa LED le tshebetso tsa LED tseo e leng karolo ya diprojekte tse radilweng.
naa mathata a maholo a ntshetsopele ya moruo le ho thehwa ha mesebetsi a raroletswe?
naa menyetla e meholo ya ntshetsopele ya moruo e nketswe hloohong hantle?
naa boikamahanyo bo teng ba lewa la tshebetso la tataiso ya moruo?
naa mehato kapa merero ya diprojekte e tsamaelana le taba ya ho nkella hloohong monyetla wa katleho ya moruo?
naa ho na le mehato kapa mekgwa ya katamelo e sekametseng ntleheng ya ho nyahamisa kapa ho sitisa matsete a moruo le ho thehwa ha mesebetsi?
Kgutsufatsa mehato kaofela e ka bang le tshusumetso ntshetsopeleng ya moruo e le karolo ya lenaneo le phethahetseng le kgothaletsang moruo.
Fana ka tlaleho ho Meifo ya tshebetso ya Diprojekte moo mohlomong ho nang nang tlhokeho ya boikamahanyo kapa moo ho hlokehang kutlwisiso e lekaneng.
Mohlanka e moholo wa mmasepala ya ikarabellang ho LED o lokela ho fuwa ba pokeletso ya Lenaneo le Kopanetsweng la LED.
Setsebi sa ntshetsopele ya moruo se ka bonwa ho thusa ka moralo wa lenaneo le tjena haeba mmasepala a hloka bokgoni lehlakoreng la moralo wa moruo.
MANG kgona hoba teng diwekshopong tsa Foramo ya Boemedi ya MKN Mohatong wa 4?
Mehato ya tsamaiso le mawa a tshebetso ya dipuisano e ka ba le tshusumetso e matla dipeheletsong tsa moruo le ho thehweng ha mesebetsi ho fapana le ntlafatso efe kapa efe ya moruo kapa projekte ya ho theha mesebetsi. Ke taba ya bohlokwa ho netefatsa hore mehato eo e jwalo e ikamahanya le boikemisetso ba LED hobane ke mokgwa wa bohlokwa wa ho theha lenaneo la LED le tlatseleditsweng ebile le sebetsa hantle.
Tlhophiso e latela mesebetsi.
HOBANENG jwalo e le ho kenya letsoho lehokeleng la moralo wa phethahatso?
ENG - kgutsufatso e bokeletsweng ya tshebetso e amanang le bofuma le bong eo e leng karolo ya diprojekte tse radilweng?
Ditshisinyo tse ding tse mabapi le ho fetolwa ha mmasepala tse hlokehang hore ho netefatswe tshebediso e phethahetseng ya MKN.
Lenaneo le Kopanetsweng la Mokgatlo, le lokelang ho nkuwa jwalo ka karolo ya tshebetso ya MKN, le lokela hore le fumane tsebo ditlhokong tsa Molao wa Tekano Mosebetsing le leweng la mehlodi la mmasepala.
Lenaneo le Kopanetsweng la Mokgatlo le lokela hore le ralwe jwalo ka kgutsufatso ya ditlhoko tsa mmasepala.
Naa ho na le dintlha tsa mmasepala tsa tekolo tse sekasekilweng?
Naa ho na le boikamahanyo le metjha ya tataiso/tshebetso?
Naa dikgaello tsa mehlodi ya basebetsi mokgatlong ona di nkeletswe hloohong ka mokgwa o lekaneng?
Kgutsufatsa mehato yohle ya ntshetsopele ya mokgatlo, dikarolo le mosebetsi jwalo ka karolo ya lenaneo le phethahetseng la tsamaiso ya mosebetsi wa phethahatso.
Hlwaya ditlhoko tse nyalanang tse tlisang phetoho mokgatlong wa mmasepala le ditlhoko tsa ntshetsopele ya basebetsi tse tswang sephethong sa meralo ya diprojekte e hlokehang hore mmuso wa mmasepala o ikemisetse ho kenywa tshebetsong ha projekte.
Fana ka tlaleho ho Moifo wa tshebetso ya Diprojekte moo ho se nang boikamahanyo kapa maikutlo a anetseng a ileng a lekolwa a ditlhoko tsa mokgatlo tsa phethahatso.
Tshetlehela Foramo ya Boemedi ya MKN lenaneo leo ha mmoho le maikutlo le dikgothaletso.
Lenaneong le Kopanetsweng la Phediso ya Bofuma le Tekanyo ya Bong.
Pokeletso ya Lenaneo le Kopanetsweng la Mmasepala e tlameha ho etswa ke mohlanka ya ka sehloohong wa mmasepala ya ikarabelang ka ho otloloha ho Molaodi wa Mmasepala ya tlamehang ho ba le seabo se keneletseng tshebetsong.
Boemedi ba MKN mohatong wa 4.
Haeba ho na le tshebetso e tswellang e mabapi le ho fetolwa ha mmasepala setsebi sa tsa ntshetsopele ya Metheo se ka hirwa ho tsamaisa dipuisano le tshebetso ya ho etsa diqeto.
Lenaneo le Kopanetsweng la Mmasepala ha se lenaneo le leng ho fapana le diprojekte tse sebetsanang le dintlha tsa sehlooho. Hantlentle, le bontsha mawala a diprojekte tsohle tsa MKN e seng projekte e tswang kantle ho tshebetso ya MKN. Ka hona, ke sesebediswa se tsepamisang tshebetso le ho hlakisa tshebetso bakeng sa tshekamelo ya mmasepala ha ho kengwa projekte tshebetsong.
Naa ho nkilwe mawala ohle ho thibela hore sewa sena se name?
Naa tshusumetso ya sewa sena mabapi le dipalopalo tsa batho, phedisano ya batho, moruo wa selehae, se nketswe hloohong le ho rarollwa hantle ke merero ya diprojekte tse fapaneng?
Kgutsufatsa mehato e amehang HIV/AIDS yohle jwalo ka karolo ya lenaneo le phethahetseng.
Fana ka tlaleho ho Moifo wa tshebetso ya Diprojekte ya moo ho se nang boikamahanyo kapa moo dintlha di sa nkellwang hloohong hantle teng.
Mmasepala ka mong o tlameha ho thonya mohlanka a le mong ya tla thakgola le ho tsamaisa mesebetsi yohle e mabapi le HIV/AIDS.
Mohlanka eo o tlameha hore a jariswe boikarabelo ba ho rala lenaneo le kopanetsweng la HIV/AIDS.
Foramo ya Boemedi ya MKN.
MANG maikutlo a hore taba ya moralo le phethahatso ya mawa a tshwanelehileng e tla ba hlola ho sebetsana le HIV/AIDS, ba tla lokela ho dumela ho tshehetsa mekutu e kopanetsweng ya boemo ba setereke?
HIV/AIDS ha se bothata ba Lefapha la Bophelo feela. Sewa sena, thibelo le sephetho sa sona di hloka tshebedisano e hoketsweng ka mokgwa o nepahetseng e tswang mekgatlong yohle le makaleng a sebetsanang le ntshetsopele ya mmasepala.
Leha bommasepala ba hloka tataiso ka mananeo a mmuso wa naha ho ka tseba hore ba arabela jwang ntlha ena, tsamaiso ya mmasepala e tlameha ho netefatsa hore mehato e tshwanetseng e a phethahatswa.
Sepheo: Ho ntlafatsa bokgoni ba mmasepala ba ho thibela le ho nkela hloohong dikoduwa ekasita le ho qoba ntshetsopele tse nang le monyetla wa ho tlisa boemo ba koduwa.
ENG - mekgwa ya tshebetso e thibelang leho fokotsa bohale ba mofuta ka mong wa koduwa?
Mohatong wa Tekolo (Moralo wa mosebetsi wa )?
Netefatsa hore kotsi efe kapa efe e a hlwauwa.
Fumana tataiso e tswang Setsing sa Naha sa Tsamaiso ya Koduwa, mabapi le ditsela tsa ho thibela kotsi, le ho fokotsa bohale ba ba koduwa.
Atolosa kapa e hlophise meralo le mehato ya tshohanyetso nakong ya Mohato wa 3.
Mohatong wa 4 mme o fane ka tlaleho ho Moifo wa tshebetso ya Diprojekte.
mme o kenyeletse diphetho tse teng.
Mmasepala ka mong o tlameha ho hlwaya mohlanka a le mong ya tla sebetsana le tsamaiso ya taolo ya koduwa.
Mohlanka enwa o tlameha ho ikopanya le Setsi sa Naha sa Taolo ya Ditshila le baamehi ba tshwanetseng ba provense ha ho hlophiswa Moralo wa Taolo ya Koduwa wa Mmasepala.
Ha ho nako e nngwe e hlokehang. Moralo wa Taolo o tshwanela ho hlophiswa hore e tsamaye mmoho le tshebetso ya MKN. Moralo o tlameha o tlalehwe Mohatong wa 4 ho etsa monyetla wa tekolo ya boikamahanyo ba diprojekte tsa MKN le mehato ya tataiso ya tsamaiso.
Tsamaiso ya dikoduwa ke tshebetso e amang makala a mangata jwalo fela le ka dintlha tsa tikoloho a amanang le makala a mangata le dintlha tse ding tse ngata tse jwalo ka ho qoba dipeheletso sebakeng se kotsi, se hlokang theknoloji ya kaho, tsamaiso ya metsi, ditshebeletso tsa bophelo, jwalo jwalo.
Ho na le ho nkela hloohong koduwa ya mofuta ofe kapa ofe, o lokela ho tsepamisa maikutlo kotsing tse ka hlahang tse matlafatsang ntlha ya ho dula o le malala a laotswe bakeng sa koduwa e ka hlahang.
Kgutsufatso ya boemo ba setereke ya MKN ya selehae kaofela molemong wa makala a boemedi ba mmuso wa provense le wa naha le makala a mang a thusang ka ditjhelete.
Mohato wa 5 o mabapi le tlaleho ka tshebetso ya Moralo wa MKN e tshwanelang ho tswala hore lekgotla la mmasepala le amohele moralo ona la qetelo. Nakong ya mohato ona, mmasepala o thswanela ho etsa tsohle tse matleng a ona ho fumana tshehetso bakeng sa hokengwa tshebetsongha MKN ke mahlakore ohle a amehang. Sena se fa e mong le e mong monyetla wa ho fumana tokomane ena ya sethato le hona ho hlahisa dingongoreho. Ho qoba hore tshebetso ena e se fele, ho tlameha horeho behwe meedi nakong.
Ntlheng ya pele, ke makala a mang a mmuso. Hangata a na le seabo sya bohlokwa sa ho tshehetsa ho kengwa tshebetsong ha moralo ka ditjhelete/ diprofeshenale/boiphihlelo ba tsa botsamaisi. Ba na le tsebo ya tsa setegeniki y aho lekola botsitso le ho ka atleha ha ditshisinyo tsa projekte. Mme Lefapha la Provense la Mebuso ya selehae leikarabela ho lekoleng boikamahanyo le molao mabapile MKN.
Ntlheng ya bobedi, bommasepala ba haufinyane le mmasepala wa setereke ba lokela ho reriswa. Makgotla a Ditereke a lokela ho netefatsa hore MKN di se hlahise mefuta ya ntshetsopele e hohlanang dibakeng tsa bohahisane ka ho hlophisa ditherisano pakeng tsa bommasepala ba selehae. Ho feta mona, ba tlameha ho netefatsa hore MKN tsa setereke le tsa selehae di tlamahantswe ha mmoho (Moralo wa mosebetsi wa 5/2).
Ntlheng ya boraro, baahi, setjhaba le baamehi ba angwang ka ho otloloha ke MKN ba tshwanela ho fuwa monyetla wa ho hlahisa maikutlo. E ka ba basebedise ba ba ditshebeletso kapa dibaka kapa ho lebeletswe hore ba phehise. Ba bang ba ka angwa ke sephetho se sebe sa ntshetsopele. Qetellong, ho tshwaneleha hore hobe le nako eo ka yona bohle ba tla fumana Moralo wa Tokomane ya MKN mme ba fuwe monyetla wa ho hlahisa maikutlo ka metjha e behilweng.
Memo ya maikutlo a tswag setjhabeng ho tiisa tshekamelo e lebileng ditlhokong tsa batho, kameho ya setjhaba, le ho tshireletsa ditokelo tsa baahi.
Ho ka boloka nako, maikutlo a tswang makaleng a mang a mmuso, diterekeng le hobommasepala ba boahisane le setjhaba a tshwanela ho sebetswa ka nako e le ngwe.
Ka morao hoba maikutlo a amohelwe mme a kenyeletswe, kapa ka lehlakoreng le leng, ho fanwe ka mabapa a ho se a kenyeletse, nako ya lekgotla la mmasepala e tla be e fihlile ya ho tshohla moralo wa qetelo o amohetsweng, ho etsa qeto ka ditokiso tse lokelang hore di etswe le hore moralo o amohelwe kapa o qhelelwe thoko. Ho molemo hore ho tshwarwe kopano kapa dikopano tse pedi tsa lekgotla ho amohela maikutlo mabapi le moralo wa MKN pele ho nehelanwa ka tokomane ena ka morero wa ho fokotsa monyetla wa bothata kapa tieho o ka bakwang ke hore MKN o qhelwe ke lekgotla.
MKN e na le monyetla o betere wa ho bonwa ke makala a mang a mmuso, ke makala, le mekgatlo e tshehetsang ka ditjhelete, haeba dikarolo tsa bohlokwa tsa yona di kgutsufaditswe le ho bokeletswa ka bokgabane. Ka hona, ho kgothaletswa hore dikgutsufatso tsa ditereke tse mabapi le MKN tsa metse tse ka nang tsa etsa karolo ya B ya MKN ya setereke di bokeletswe. Dikgutsufatso tsena di tshwanela hore di nehwe baamehi bohle ba kantle ho setereke hore ba di sekaseke le ho di lekola mme ba di tshehetse. (Moralo wa mosebetsi wa 5/6) Ho ka qoba tiehiso, moralo o lekotsweng botjha wa MKN o tle o nyehlwe seterekeng bakeng sa pokeletso ya kgutsufatso le pele ho kamohelo ka lekgotla la selehae.
Ho netefatsa boikemisetso ba mafapha provense le mafapha a Naha ba ho amohela MKN e le tokomane e tataisang mesebetsi ya bona dibakeng tsa mmasepala, mme ka ho etsa jwalo, ba nyehela meralong o tebileng - le ho lehokela la phethahatso.
sekepele sa botsitso le katleho ya diprojekte tsena; le ditlhoko tsa tokmane ya moralo e hlophisitsweng hantle.
Mafapha ohle a provense le a naha a lebeletsweng ho nyehela ka ho kenya letsoho phethahatsong ya MKN o fuwa monyetla o hlokang leeme wa ho bala le ho fana ka maikutlo moralong wa tokomane ya MKN.
Mafapha a loketseng a makala a lokela ho fana ka maikutlo mabapi le nyalano le maano a makala, mawa a mekgwa ya tshebetso le mananeo, ha mmoho le botsitso le monyetla wa katleho ya projekte tsena.
Mafapha a provense a puso ya selehae a lokela ho etsa nyehelo ya maikutlo mabapi le boikamahanyo le molao le leano le mabapi le boleng ba tokomane ya moralo.
Mmasepala ka mong o tshwanela ho nyehela ka dikgatiso tsa Moralo wa MKN ho lefapha la provense la mebuso ya selehae le mafapheng ohle a naha le a provense lebeletsweng ho ba le seabo tshebedisong ya MKN.
Lefapha la puso ya selehae la provense le tshwanela ho hlahloba MKN e bapisitswe le sekepele se hlakisitsweng le phehello ya tsela ya ho hlahisa maikutlo ya mafapha ya mafapha a mang hore ho netefatswe hore maikutlo ao a fihliswa ka nako.
JWANG Lefapha la puso ya selehae la provense le lokela ho bokeletsa maikutlo a MKN ya mmasepala ka nngwe mme le nehelane ka lenane le batsi la maikutlo ho mmasepala?
Ho qoba tiehiso e sa hlokeheng le ho kgothaletsa tlaleho, bommasepala mmoho le mafapha a makala ba lokela ho lokoloha tshebedisong ya mekgwa ya otlolohileng le e sa tobang ya dipuisano bakeng sa ho fana ka maikutlo (founu, fakse, e-mail) ke menyetla e ka sebediswang.
Lefapha la provense la mebuso ya selehae le tshwanela ho ba le seabo sa bohlokwa sa ho kgothaletsa le ho tsamaisa dipuisano pakeng tsa bommasepala le makala di tswela. Tlhophiso ena e se etse hore ho be le mathata a qoswang ke kgaello ya bokgoni ba tshebetso ya lefapha.
Ditereke, ka Ditsi tsa PIMS di ka thusa ka tsamaiso ya tlaleho ka ho hokahanngwa le lefapha la puso ya selehae.
Ditsi tsa PIMS di ka nna tsa nka boikarabelo ba ho fana ka phehiso ka tsela ya profeshenale lebitsong la lefapha la puso ya selehae.
Nako e hlokehang nakwana Dibeke tse 3.
Tshebetso ena ya ho fana ka maikutlo ke ya dipuisano feela tseo eseng tsa molao empa e le tlaleho ya profeshenale mme ese ferekanngwe le nehelano ya molao ya MKN e amohetsweng ke letona la provense.
MKN e sa phethahalang e tla hloka tshebetso e boima ya boikamahanyo ba molao ka morao hoba lekgotla le amohele MKN.
HOBANENG ho setereke lepakeng tsa bommasepala ba setereke le ba selehae?
Nyehelo ya maikutlo hodima dintlha tseo ho utlwanwang ka tsona.
Mmasepala ka mong o tshwanela ho fana ka moralo wa MKN ho lekgotla la setereke le ho bommasepala bohle ba hahisaneng le ona kantle le kahare ho setereke.
dintlha tse nyalanang le bommasepala; le dintlha tsohle tse amanang le kabelo ya boikarabelo pakeng tsa bommasepala ba selehae le ba setereke.
JWANG Seboka sena sa wekshopo se reretswe ho rarolla dintlha ka motheo wa kutlwisisano?
Mmasepala wa setereke (ha ho kgoneha ka thuso ya Setsi sa PIMS) o tshwanela ho etella pele tshebetso ena le ho netefatsa hore ho na le kgokahano e nepahetseng.
Nako e hlokehang nakwana Dibeke tse 3.
Ho qoba tshebediso e tlolang tekanyo ya mawala a tsamaiso, ke ntho ya bohlokwa hore re lebise dipuisano le maikutlo dintlheng tsa bohlokwa tse nyalanang. Lekgotla la setereke le tshwanela ho fana ka metjha ya tataiso e tla thusa bommasepala ba selehae ho hlahloba dikarolo tse loketseng tsa tokomane ya MKN.
Ho tiisa hore moralo wa qetelo o ntse o kgema le ditlhoko tsa baahi le dintlha tse hlwauweng hore di sebetswe pele ho tse ding.
Ho kgothaletsa kananelo e batsi ya moralo, mme ka ho etsa jwalo o kgona ho etsa motheo wa phethahatso e ntle le wa boikarabello.
Ho netefatsa hore ditokelo tsa molao tsa baahi ha di hatakelwe ka maoto ke MKN.
Baamehi bohle le mekgatlo le baemedi ba setjhaba kahare ho mmasepala re kenyeletsa le ditho tsa lekgotla kaofela le ditho tsohle Foramo ya boemedi ya MKN ba filwe monyetla o hlokang leeme wa ho bala le ho hlahisa ka maikutlo ka moralo wa tokomane ya MKN.
Maikutlo ohle ao ho nehelanweng ka ona a ngolwa tokomaneng mme a bolokwe ka tsela e ya tlhatlhamano e ntle.
Mokgwa oo maikutlo a lokelang hore a tliswe ka yona o tshwanela hore o ralwe ka tsela e tla kgothaletsa diphehiso tse batsi tse amanang le makala a itseng a tokomane ya meralo. Mokgwa ona o tshwanela ho se kgothaletse phehiso e akaretsang e sa tobang mme e hlokang moelelo.
dikateng tse ngata tsa MKN di kgutsufaditsweng; le mehato, ditsela le metjha ya ho hlahisa maikutlo e tla phatlalatswa.
Ditho tsa lekgotla, ditho tsa Foramo ya Boemedi ba MKN, baamehi ba bang le baqolotsi ba selehae ba ditaba.
E mong wa bahlanka ba lekgotla o tshwanela hore a jare boikarabelo ba ho bokella, ho hlophisa, le ho beha dintho ho latela mabeho a matle le ho ngola maikutlo ka tsela e nang le ponaletso.
JWANG e nepahetseng ya ho hlahisa maikutlo ya maikutlo?
Nako e pakeng tsa ho phethelwa ha moralo wa MKN le ho amohelwa ke Lekgotla e tshwanela ho sebediswa ke lekgotla ho tsebahatsa moralo ona. MKN e tla phethahala feela jwalo ka sesebediswa se sebetsang hantle haeba dikahare tsa yona di tsejwa ke setjhaba.
Ho fana ka monyetla o hlokang leeme setjhabeng wa ho hlahisa maikutlo ha ho bolele ho leka ho kgothaletsa hore palo e kgolo ya batho e fane ka maikutlo a mangata.
Monyetla ona o seke wa bonwa jwalo ka monyetla wa ho tshwara puisano e nngwe hape ka tsohle tseo ho seng ho dumellwanwe ka tsona ka morao ho dingangisano tsa nako e telele, empa ona ke monyetla feela wa ho hlahloba hore naa tsohle di tsamaisana le seo ho dumelanweng ka sona.
MKN e lekotsweng botjha e supa mehopolo le dingongoreho tsa mahlakore ohle a moralo ka bongata ka moo ho ka kgonehang ka teng.
Baamehi bohle ba utlwisise hore ho tla sebetsanwa le maikutlo a bona ka ho phethahala. Ka lebaka leo tshehetso ya MKN e a eketswa mme kganyetso ya yona e a fokotswa.
Tokomane eo ho yona maikutlo ana a ngotsweng le sekgetjhana se hlalosang ka moo a kenyeleditsweng ka teng kapa hobaneng a sa ka a kenyeletswa.
Dintlha tse ngata tse sa hlakang tse hlahelang maikutlong di lokela hore di sebetswe ke Foramo ya Boemedi ba MKN.
MKN e tla kopana ho nka qeto ka phehiso ka nngwe.
Batho ba tshwanela ho kgethwa hore ba phethahatse diqeto tsena, ka ho fetola moralo wa MKN ho latela ka moo ho tshwanetseng ka teng le kapa ka ho ngola karabo e lebang mothong ya itseng kapa ya mokgatlo o faneng ka diphehiso.
Foramo ya Boemedi ya MKN di tle di nyehelwe Foramong hore e tle e etse qeto.
Komiti e Tsamaisang MKN e tshwanela ho nka qeto ka tsela eo ho tla sebetsanwa le maikutlo le ho netefatsa hore di sekasekilwe hantle.
Nako e hlokwang nakwana Dibeke tse 2.
Ha ho na le maikutlo a mangata, maikutlo ao a tshwanela ho lekolwa ke komiti e ikgethang.
Sepheo: Ho fana ka boemo ba molao ho MKN ho latela Molao wa Tsela ya Tshebetso ya Mmasepala.
Qeto ya ditho tse ngata ka kopanong e phethahetseng ya lekgotla.
Ditho kaofela tsa lekgotla di lokela ho fumana khopi ya moralo wa MKN bonyane hang ka kgwedi pele lekgotla le kopana ho ka etsa qeto ka ona.
JWANG ho tshohla tokomane ena le ho hlahisa maikutlo ka yona, e le ho netefatsa hore moralo o lekotsweng oo ileng wa behelwa lekgotla ka kopanong ya lona, o hlokomela dingongoreho tsa ditho tsa lekgotla?
Ho latela mehato ya dikopano tsa lekgotla e laeletswang ke molao.
Ha ho etsahala hore qeto ya lekgotla e busetswe morao, ho tshwanetswe hore ho netefatswe hore moralo wa MKN o ka nna wa sebediswa jwalo ka motheo wa mosebetsi wa ditekanyetso tse sa amanang le dintlha tse hohelang maikutlo tse ileng tsa tswala hore ho tjhetjhiswe qeto.
Ha o ba tla ba bang ba tataiswe ke MKN ya hao o tshwanela hore o ba nehele kgutsufatso e ntle.
HOBANENG ba tle ba sebedise di-MKN?
w/r ya tsela ya tshebetso Ha ho letho.
Karolo B ya MKN ya setereke ho balaodi ba provense le ba naha?
Lenane la ka kakaretso ya mananeo a kopanetsweng a fapaneng e lokela hore ho kgutsufatsa lesedi le tswang ho bommasepala lenaneng le le leng, ho fapana le ho fana ka lesedi motheong wa bommasepala ka mong.
Ditereke di tshwanela ho fana ka mohlala ho bommasepala ba selehae ho ba thusa ka pokeletso ya lesedi le hlokehang ka tsela e tlwaelehileng.
Bommasepala ba selehae ba fana ka mehlala e thehilweng leseding le tswang e moralong ya bona ya MKN mme ba nehelane ka yona seterekeng.
JWANG Ditereke di tlatseletsa lesedi le ho le bokeletsa ka tsela ya lenane la kakaretso?
Moralo wa Mosebetsi.
Jwalo ka ha makala a boemedi a mmuso wa provense e tla be e le ona a fumanang boholo ba mangolo a diphehiso ebile e le ba sebedise ba dikgutsufatso, lefapha la provense la puso ya selehae le tlameha ho ameha diqetong tse etswang tse amanang le dikahare le mekgwa e lokelang ho latelwa ya dikgutsufatso tse jwalo.
Dikgutsufatso di etseditswe ho sekehela tsebe ditlhoko tsa tshebedisano tsa balekane ba tswang kantle ho setereke ba lokelang ho sebeletsana le bommasepala ba fapaneng ba selehae. Balekane ba selehae ba tshebedisano ho kenyeletswa le bafepedi ba ditshebeletso ba kgwebo le mekgatlo ya makala a poraefete kahare ho setereke ba tla hloka tokomane e phethahetseng ya MKN.
<fn>sot_Article_National Language Services_SESOTHO.txt</fn>
Re batla hore wena, mosebedisi wa ditshebeletso tsa rona, o re fe maikutlo a hao ka maemo a tshebeletso eo re buang ka yona tataisong ena. Re tla o hlompha, re be re o sebeletse ka bokgabane, re itshetlehile metheong ya BATHO PELE.
Tataiso ena e o bolella ka boemo ba tshebeletso eo o ka e lebellang ho tswa ho South African Social Security Agency (SASSA). SASSA ke katoloso ya karolo ya phumantsho ya ditshebeletso ya mmuso e tsamaisang phumantsho ya dithuso tsa thekolohelo baahing ba Afrika Borwa.
Ho tsamaisa ditshebeletso tse nang le boleng tsa thekolohelo ya setjhaba, re qoba ditshenyehelo e bile re latela tsela tse kgabane tsa tshebetso.
Kgothaletso le tshireletso ya seriti sa botho, Ho ba sephiring, Bokgabane, Ho Hloka Leeme, Ho Sebeletsa Pepeneneng le Tekano.
Ho fa lesedi le keletso ka dithuso tsohle tseo o ka etsang kopo ya tsona.
Ho o romela ditheong tse ding tse ka kgonang ho o thusa ka ditlhoko tsa hao.
Ho o thusa ho tlatsa diforomo tsa rona, le ho etsa kopo ya thuso.
Ho boloka lesedi lohle leo o re nehang lona e le sephiri.
Latela ka mehla Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e laolang ditshebeletso tsa mmuso le melawana ya boitshwaro ditshebeletsong tsa mmuso.
Ho sebedisana le batho bao re ba sebeletsang mmoho le bathahaselli ba bang.
Ho phehella ho ba le ntlafatso e tswellang ya phumantsho ya ditshebeletso bakeng sa ho fihlela ditabatabelo tsa hao.
Ka mehla ha o iteanya le rona ka seqo, ka mohala, ka lengolo kapa ka e-mail, ho tla etsahala tse latelang...
Agente ya ditshebeletso tsa basebedisi e tla itsebisa wena.
Bakeng sa dipatlisiso tsa mohala le ka seqo re tla rarolla dipatlisiso tseo tsa hao ka potlako.
Re tla o fa nomoro ya referense hore o tle o kgone ho latedisa seo o se batlang hantle.
Re tla ho tsebisa ha re amohetse mangolo a hao ohle a rometsweng ho rona mme re tla sebetsana le patlisiso matsatsing a 7 a mosebetsi.
Haeba re sa kgone ho o araba ka botlalo matsatsing a 7 a mosebetsi, re tla hlalosa hore ke hobaneng le hore o e lebelle neng karabo.
Re tla leka ho o rarollela bothata ba hao matsatsing a 21 a mosebetsi.
Ha o re founela, re rerile ho araba mohala wa hao ka pele ka ho ya ka moo ho ka kgonahala, ka puo ya semmuso e tla kgethwa ke wena.
Re tla buisana le wena ka lengolo diqetong tsohle tsa thuso ya hao.
Ha o fihla diofising tsa rona, basebetsi ba help desk batla o thusa hang-hang. Kaofela diofisi tsa rona di bulwa ka 08h00 di kwalwe ka 16h30 ho tloha ka Mantaha ho fihlela Labone. Ka Labohlano re bula ka 08h00 re kwale ka 16h00.
Thuso ka bongaka ha o re tsebisitse nako e sa le teng ka hoo.
Re tla tla ho wena/ha hao haeba o kula o sa kgone ho tla diofising tsa rona. O ka re letsetsa mohala, rona re tla hlophisetsa hore o etelwe lapeng.
Re tla qala ho sebetsana le kopo ya hao hona letsatsing leo.
Re ipehela nako ya ho sebetsana le tleleime ya hao mme re lefe thuso ya hao nakong ya matsatsi a 90.
Re tla o eletsa ka tokelo ya hao ya ho ipiletsa ha kopo ya hao e ka hanelwa, ya emiswa kapa ya hlakolwa.
Ho etsa diqeto.
Re kope ho o hlalosetsa ka botlalo, mme ha re no hana.
O ka etsa boipiletso ka qeto eo, feela e be matsatsing a 30 a ho tloha letsatsing le lengolong leo la qeto.
Aterese ya hao e nepahetseng, ya poso le ya bodulo.
Diphetoho tse o amang ka ho toba, jwalo ka moputso, aterese, boitekanelo le tse ding.
Ho arabela mangolo a rona ohle ho kenyelletswa le tekolo botjha kapa lesedi lefe kapa lefe le kotjwang ho wena.
Na ha wa thabela ditshebeletso tsa rona?
Re nkile nako e telele ho lokisa thuso ya hao le/kapa ha wa fumana tefello ya hao ka nako.
Boitshwaro ba e mong wa bahlanka ba rona e ne e e bo sa lokang.
Kapa ho bile le phoso ya ka boomo/ho fanya ka lehlakoreng la rona.
Re hlahe leseding ka taba ena, rona re tla lokisa ka bonako moo re entseng phoso. Haeba o batla ho tletleba, re kopa o re ngolle, kapa o re letsetse, ebe o kopa ho fetisetswa lekaleng la tlhokomelo ya basebedisi.
Re lakatsa ho fumana maikutlo a hao ka tshebeletso tsa rona. Re tla sebedisa lesedi leo o re fang lona ho ntlafatsa ditshebeletso tsa rona.
Tlatsa karete ya rona e nonyang maikutlo a basebedisi, e fumanwang diofising tsa rona kapa dibakeng tsa ditefello.
Romea tlhahiso e ngotsweng ho efe kapa efe ya diofisi tsa rona..
Haeba o ena le dipotso tse itseng ka Tataiso ena, e ya ho e nngwe ya diofisi tsa rona. Tataiso ena o ka e fumana le ka Braille, ka theipi eo o ka e mamelang le ka CD, ha o e kopa.
Tataiso ena e tla qala ho sebetsa ka la 01/04/2007mme e tla lekolwa botjha selemo le selemo hore e kenyelletse ditshwaelo tsa lona.
<fn>sot_Article_National Language Services_SETSHA SA NAHA SA AFR.txt</fn>
Morero wa Molao wa Kgothalletso ya Phihlello ya Tsebiso (MPT), 2000 (Molao wa 2 wa 2000), ke ho fana ka matla setjhabeng ho fihlella tsebiso makaleng a setjhaba le a poraevete, jwalo ka ha ho hlahella karolong ya 32 ya Molao wa Motheo?
Ho latela shejule ya 3 karolo ya A ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba (MTDS), 1999 (Molao wa 1 wa 1999), jwalo ka ha o fetotswe, ho ya ka tse ka molao o ka hodimo, SNABBDS e na le mosebetsi wa ho rala bukana ena e tlang ho ba tokomane ya setjhaba ho ya ka moo setjhaba se ka ratang ho bona direkoto ka teng.
Sepheyo sa SNABBDS ke ho eketsa lenane la basebetsi ka ICT le basebedisi ba tswang dibakeng tse neng di se na menyetla, ho etsang ho be le kgonahalo e eketsehileng mesebetsing ya theknoloji e ntjha le boqolotsing ba ditaba. SNABBDS e ikemiseditse ho boloka baithuti ba bangata e le ba batshehadi.
Ponelopele ya SNABBDS ke ho ba le setsha se fanang ka thupelo e tshwarehang e ikgethang ka ntshetsopele ya bokgoni ho boraditaba ba seelektroniki. Re ikemiseditse ho ba baetapele ba bonahalang ntshetsopeleng le ho kenngweng ha mananeo a ikamahantseng le indasteri bakeng sa lekala la ditaba tsa seelektroniki.
Maikemisetso a rona ke ho fana ka dihlahiswa le ditshebeletso tse ikamahantseng ka batho, tse jang theko e tlase, tse hlokehang indastering ka phano ka tsebo le tshebedisano tse boemong bo hodimo.
Maikemisetso a SNABBDS ke ho kwetlisa le ho hlahisa baithuti ba nang le tsebo ya tse ngata ka mora dithuto hore e be bona ka sehloohong dikgokahanong tsa bohasi le phanong ka ditaba maemong a fapafapaneng ka mananeo, dithuto le boikitlaetso maeong a fapaneng.
Ho hlahisa le ho kenya tshebetso leano la tshebedisano.
Lekgotla la Balaodi le ikarabella ho beng ba Dishere bakeng sa ho boikamahanyo ba Boto le mesebetsi e e behetsweng ho latela MTMS.
Boto ya Balaodi e laola merero ya SNABBDS le ho netefatsa boikamahanyo le maano a SNABBDS.
Mesebetsi ya Boto ya Balaodi e hlaloswa ke dipehelo tsa MTMS, ha mmoho le Molao wa Dikhampani, wa 1973. Boikarabelo ka kakaretso ba Boto ya Balaodi bo boetse bo hlalositswe ho MTMS.
Ntle le ho sehela moedi dipehelo tsa Molao le MTMS.
taolo ya bobedi morero wa SNABBDS, ho etswa ha leano le sebopeho sa Komiti ya Phethahatso/Botsamaisi; le boetapele, ho beha leihlo le taolo ya mesebetsi ya SNABBDS.
SNABBDS e kgothaletsa khoutu ya tsamaiso le boitshwaro, jwalo ka Pehelong ya King e mabapi le tsamaiso ya kgwebo le Molao wa Tsamaiso ya Matlole a Setjhaba.
Dikomiti tsa Boto di thehilwe ke Boto ho ya ka molao o seng o boletswe.
Komiti ya Tlhahlobo e thehilwe ho netefatsa hore SNABBDS e boloka mokgwa wa tshebetso o sebetsang, o lekaneng le o bonahalang wa ditjhelete, tsamaiso ya ho nkuwa ha diqeto tse ka bang kotsi le taolo ya kahare.
Ha jwale e na le ditho tsa Boto feela, empa komiti e na le kgetho ya ho ithonyetsa ditho tse ding tsa tlatsetso.
Komiit e fana ka pehelo ho Boto ya SNABBDS ka diphetho tsa diphuputso le boleng le dikateng tsa ditjhelete tse fanweng.
SNABBDS ka tshebedisano le Universal Service Agency (USA), e mothating wa ho rala leano Komiti ya Kahare ya Tlhahlobo ya ditho tse 3, setho ho tswa setsheng ka seng le setho se ikemetseng. Komiti ena e tla ikemela ka hohlehohle ntle le Botsamaisi, Boto ya SNABBDS le Komiti ya Tlhahlobo.
Sepheyo sa bohlokwa sa komiti ena ke ho beha maano le mekgwa ya tshebetyso mabapi le taolo ya kahare ya mokgatlo, le ho netefatsa tshebetso e ikamahanyang le Molao wa Tsamasio ya Matlole a Setjhaba (MTMS). Komiti ena e tla fana ka pehelo ho bobedi Botsamaisi le Komiti ya Tlhahlobo ya SNABBDS.
SNABBDS e kgothalletsa matlafatso ya basebetsi ba yona ka ho metheo e nkang karolo ditabeng tse amanang le basebetsi, kwetliso, ntshetsopele le karolelano ka tsebiso. SNABBDS e nka karolelano ka menyetla e le bohareng ha e thaotha ka hloko e kgolo ha ho tluwa ho thaotheng basadi.
Khamapani e inehetse ho netefatseng tikoloho e bolokehileng sebakeng sa tshebetso. Komiti ya Bophelo bo Botle le Polokeho e fuwe matla a ho fihlella sena.
Ho ya ka karolo ya 10 ya Molao wa Phihlello ya Tsebiso Komeshene ya Ditokelo tsa Botho, e lokela nakong ya dikgwedi tse 18 la mora ho qala ha karolo ena, e etse tataiso ka puo ka nngwe ya semmuso e nang le tsebiso e jwalo, ka mokgwa o bobebe le o utlwisisehang, ho ya ka moo ho ka hlokwang ke motho ya batlang ho sebedisa tokelo eo ho buuwang ka yona Molaong ona.?
Komeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa: Yuniti ya MPT: Lefapha la Diphuputso le Polokelo ya Ditokomane.
Pehelo ya Selemo ka seng ya SNABBDS.
Direkoto tsa molao tse hlokehang ho ya ka Molao wa Dikhampani le melao e meng e loketseng.
Tsebiso e nngwe e akaretsang e mabapi le tsamaiso.
Mokopi o lokela ho sebedisa foromo e ileng ya phatlalatswa Koranteng ya Mmuso (Tsebiso R187 ya 15 Hlakola 2002), e hlomathisitsweng bukaneng ena Sehlomathiso A?
Mokopi o lokela ho bolela hore o batla kgatiso ya rekoto kapa o batla feela ho e shebela dikantorong tsa SNABBDS Karolo 292.
Mokopi o tla fumana tsebiso ka mokgwa oo a e kopileng ka ona . Le ha ho le jwalo, ho fana ka tsebiso ho tla itshetleha ka hore mokopi ha a na ho sitisa tsamaiso ya mosebetsi ya letsatsi ka leng ya SNABBDS, kapa ha a na ho senya direkoto, kapa ha a na ho tlola tokelo tsa kgatiso tseo e leng tsa mmuso Karolo 293. Ha ka mabaka a utlwahalang ho sa tlo dumelwa ka phihlello ka mokgwa oo e kopilweng ka ona empa ka mokgwa o mong o fapaneng, ho tla balwa ka tsela eo mokopi a neng a entse kopo ka ona Karolo 294.
Ha, ho kenyelletsa karabo e ngotsweng, kopo ya hae ya rekoto, mokopi a batla ho bolellwa ka qeto e nkuweng ka mokgwa le ha e le ofe, mohl. ka mohala, sena se lokela ho hlakiswa Karolo 182e.
Ebang mokopi a kopa tsebiso boemong ba motho e mong, o lokela ho bontsha boemo boo kopo e etswang tlasa bona Karolo 182f.
ha bakopi ba sa kgone ho bala kapa ho ngola, kapa ba na le ho se itekanele, ba ka etsa kopo ka molomom. Mohlanka wa Tsebiso o tla lokela ho ba tlatsetsa foromo le ho ba fa kgatiso ya foromo e tlatsitsweng Karolo 183.
Mohlanka wa Tsebiso o tla sebetsana le dikopo tsa tsebiso nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho fumana kopo kapa hang ha ho na le sebaka sa ho etsa jwalo [Karolo 25]. Makgetlong a mang nako ya matsatsi a 30 e ka eketswa hang bakeng sa matsatsi a mang a 30 [Karolo 26].
Mokopi o tla tsebiswa ka ditefello tse lefuwang pele kopo ya tsebiso e ka sebetswa ho ya pele [Karolo 22].
Mokopi a ka kenya boipiletso ba ka hare kgahlano le ho lefuwa ha ditjhelete tse behuweng [Karolo 74 le 75] kapa a isa kopo lekgotleng la dinyewe bakeng sa ho ka theolelwa ka more hore mehato e seng e boletswe e sebedisitswe kaofela [Karolo 78].
Mokopi o tla tsebiswa hore o tla fuwa phihlello ya tsebiso e kopilweng [Karolo 25].
Sepheyo sa bohlokwa sa SNABBDS ke ho hlahisa mananeo a kgaso le masedinyana a fapaneng a bontshang boikitlaetso, a tsamaiswang ka theknoloji a tlang ho fana ka tsebo ya mosebetsi ho ba sa tswa phethela dithuto ho sebetsa maemong a hlokolosi ka hara indasteri.
Mananeo a kwetliso a a fanwa ho masedinyana a fapaneng, radio le theleveshene, mme a ka mokgwa wa dithuto tse lokisitsweng tse kgutshwane, dithuto tsa setjhaba, dithuto tsa ka nako tsohle le diprojeke tse ikgethang.
Lenaneo le na le dimaraka tseo le di habileng.
Batho ba tswang dibakeng tse neng di se na menyetla ho ya ka nalane ya tsona.
Ho etswa ha boipiletso Botong kgahlano le qeto ya Mohlanka wa Tsebiso.
Ha mokopi a ntse a eso kgotsofatswe ke qeto ya Boto a ka etsa kopo Lekgotleng la Dinyewe bakeng sa ho theolelwa.
Tsebiso ena e tla fumaneha ha e kotjwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Selelekela (2006).txt</fn>
Selelekela e tshwaya sehopotso sa selemo sa bohlano sa ho thakgolwa ha Molao o Kgothalletsang Phihlelo ya Lesedi [Promotion of Access to Information - PAIA] Molao wa 2000 (PAIA kapa Molao). Ena ke ntho e tsotehang ka sebele ho batho ba bangata ba neng ba tshwenyehile haholo ka ho sebediswa ha Molao ona. Leha ho le jwalo, mantswe a tshwanang a ke ke a bolelwa mabapi le batho ba bang ba bangata bao ka lebaka la ho se tsebe le mathata a bileng teng qalong ka lebaka la mafapha a mmuso a ileng a haella ho kenya molao ona tshebetsong ba sa kang ba thabela ka botlalo tokelo ena ya phihlelo ya lesedi. Ho sa natswe hore PAIA ke o mong wa melao e hlaheletseng ka mahetla ya melao ya tikoloho tsa phihlelo ya lesedi lefatsheng ka bophara, molao ona o tswela pele ho hlaselwa ke mathata a sa tshwaneng a tshebediso ya ona?
Ho se tsebe tokelo ena ya phihlelo ya lesedi ke ditho tsa setjhaba le banka-karolo.
Bahlanka ba mmuso ba se nang matla a ho etsa diqeto ka lebaka la tlwaelo ya nakong e fetileng ya ho boloka sephiri.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tshepa hore Buka ena e tla thusa ho tlosa mathata ana a tshebediso ya molao a ileng a hlasela PAIA ho tloha tshimolohong ya yona, ka ho hlaha leseding ditho tsa setjhaba le bahlanka ba mmuso ba lokelang ho thusa batho ka mehla.
Ho thusa ho fedisa tlwaelo ena ya sephiri e sitisang ho ajwa ha lesedi ka bolokolohi.
Ho tshepjwa hore Buka ena e tla thusa ho totobatsa ditaba tse loketseng mabapi le ho etsuwa ha direkoto le ho di boloka hantle. Haeba direkoto di sa hlokomelwa le ho bolokwa hantle, sena se ka etsa hore batho ba kopang ho tseba ka lesedi le itseng ba lefe ditjhelete tse ngata ka lebaka la nako e telele e nkuwang ho batlwa direkoto. Ka lebaka leo, ho bohlokwa hore direkoto di bolokwe hantle le ho hlophiswa nako le nako le hore tseo pele di neng di bolokilwe e le sephiri di tloswe maemong ao.
Qetellong, ho bohlokwa hore ho lahlwe maikutlo le tlwaelo ya ho etsa hore lesedi le fetohe thepa ya bohlokwa haholo, e ka fihlellwang feela ke batho ba maemo a phahameng setjhabeng le ka ho etsa hore phihlelo ya lesedi leo e be thata haholo ho utlwisiswa ke batho feela ba tlwaelehileng, le ka ho etsa hore ho fumana direkoto ho bitse tjhelete e phahameng haholo. Ho fihlela lesedi ke lejwe la motheo le oksejene ya demokerasi ya rona. Ke sesebediswa sa bohlokwa se thusang le se etsang hore batho ba leng maemong a bolaodi ba ikarabelle bakeng sa diketso tsa bona. Ka lebaka leo ho bohlokwa hore batho bohle, haholoholo batho ba tinngweng menyetla le ba qheletsweng thoko ba thabele ka botlalo phihlelo ya lesedi.
Tlhokeho ya hore ho hlahiswe Buka ena e e bile ka mora ho thakgolwa ha Karolo ya 10 ya Tataisoe mabapi le PAIA, e ileng ya etsahala ka la 1 Tlhakubele 2005. Ho ile ha bonahala ka ho hlakileng hore le hoja Tataiso ena e thusa ditho tsa setjhaba, empa PAIA e ne e lokela ho nolofatswa hore e balehe habonolo le ho fihlellwa habonolo ke batho ba metse ya rona. Buka ena e fetoletswe ka dipuo tse leshome le motso o le mong tsa semmuso, mme e fumaneha hape le ka Braille, bakeng sa phihlelo e bonolo le tshebediso.
Ho tloha tlwaelong ya ho boloka sephiri le leqeme la ho ikarabella diketso tsa rona, ho fetoleha tlwaelong ya ho senola lesedi le ho ikarabella ka diketso tsa rona, ena ke phephetso ka sebele. Ka lebaka lena ho bohlokwa haholo hore baahi ba Afrika Borwa le matona a naha a tsebiswe ka PAIA, le kamoo tokelo ya ho fihlela lesedi e ka ba untshang melemo ka teng. Ho nka karolo mananeong a ntshetsopele ya demokerasi ho ka atleha ha feela batho ba utlwisisa lebaka la hore ba nke karolo. Ka lebaka leo ho bohlokwa hore PAIA e pote ka nqane ho ditokelo tse tlwaelehileng tsa batho tsa dipolotiki, le hore e tlatsetse ka lehlakore le letjha la dipuisano tsa setjhaba mabapi le ditaba tse tobaneng le baahi.
PAIA e bohlokwa ka sebele ho fetola setjhaba sa rona. E kgothalletsa demokerasi eo ho nkuwang karolo ho yona le eo baahi ba etsang hore mmuso le mafapha a mmuso a ikarabelle mabapi le diketso tsa ona. Buka ena ke mohato o mong o nkuweng ke Khomishene ho etsa hore batho ba tlwaele Molao ona, le ho tiisa hore baahi ba o sebedisa molemong wa bona. Bohlokwa le boholo ba karolo ya motheo ya Khomishene ena mabapi le ho beha leihlo le ho fana ka rekoto selemo le selemo kamohelong ya ditokelo tsa setjhaba le tsa moruo, bo akarelletsa boikarabelo ba yona ho ya ka PAIA, ho tiisa hore Molao ona o sebediswa ka katleho. Jwaloka setho sa setjhaba o ka sebedisa PAIA ho kopa ho fihlela direkoto tse bontshang maano a mmuso mabapi le matlo, tlhokomelo ya bophelo le thuto. Buka ena e entswe ka sepheo sa ho tiisa hore ditho tsa setjhaba di elellwa hore PAIA ke sesebediswa se ka sebediswang ho fihlela ditokelo tse ding.
Khomishene e tshepa hore Buka ena e tla ba sesebediswa se thusang letsholong la bona la ho thabela phihlelo ya lesedi.
Lekgotla -le bolela lekgotla la molao leo motho a ka etsang kopo ho lona hore taba ya hae e mamelwe. Makgotla ana a molao ke: Lekgotla la Molao wa Motheo le sebetsang ho ya ka karolo ya 167 (a) ya Lekgotla la Motheo kapa Lekgotla le Phahameng kapa lekgotla le leng le nang le matla a tshwanang kapa Lekgotla la Mastrata ebang ka kakaretso kapa mabapi le diqeto tse kgethehileng ho ya ka Molao ona, le abetsweng ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ka tsebiso ho Gazette le ho okamelwa ke mastrata kapa mastrata e mong ya abetsweng ho ya ka karolo 91A tse leng taolong ya lona?
b mokga wa mmuso kapa la praevete le amehang le na le sebaka seo le sebeletsang ho sona kapa kgwebo; kapa c motho ya kopang ho fuwa lesedi o na le sebaka seo a dulang ho sona kapa bodulo.
Ho fihlela Boto ya Melao e ntsha melao mabapi le mekgwatshebetso ditabeng tsa PAIA e lokelang ho sebediswa ke Makgotla a Mastrata, Makgotla a Mastrata a ke ke a etsa diqeto mabapi le ditaba tsa PAIA. Ke feela Makgotla a Phahameng a ka mamelang dikopo tsa PAIA. Sheba Karolo 2 Bukeng ena bakeng sa diforamo tse ding moo ditaba tsa PAIA di ka tshohlwang.
Ditefiso tjhelete e lefuwang bakeng sa ho sebetsana le dikopo. PAIA e sebetsana le dikopo tsa lesedi tse lefuweng le ditefo tsa phihlelo ya lesedi. Tefo ya lesedi le kopuwang e lefuwa qalong ya tshebetso ha ho romelwa foromo ya kopo. Tefo ya phihlelo ya lesedi ke tjhelete e leshwang bakeng sa nako e nkuwang kapa e sebediswang ho batla le ho hlophisa direkoto tse kopuweng. Mokopi ya kopang lesedi la direkoto tsa hae a ke ke a lefa tefo ya ho kopa lesedi. Sehlomathiso A se na le lethathamo la ditefiso?
Hlooho haeba e le mokgatlong wa praevete, mabapi le motho, motho eo kapa motho ofe kapa ofe ya fuweng matla a taolo; haeba e le mabapi le bolekane mosebetsing, molekane ofe kapa ofe mosebetsing oo ya fuweng matla a taolo; haeba e le ditabeng tsa ho nkuwang e le motho ka ho ya ka molao, moofisiri ya phahameng wa phethahatso kapa moofisiri ya lekanang le yena ya hoo ho nkuwang e le motho ka ho ya ka molao, kapa motho ofe kapa ofe ya dumelletsweng ke moofisiri, kapa motho ya tshwereng mokobobo setulong sa motho ya nang le matla a taolo?
Hlooho ya mokga wa praevete le ikarabella ka ho amohela kopo ya motho ya kopang ho fihlela lesedi le ho ikarabella ka ho fana ka karabelo.
Moofisiri wa lesedi - enwa ke moofisiri eo kopo ya phihlelo ya lesedi e lokelang ho romelwa ho yena ke mekgatlo ya mmuso. O tla etsa qeto haeba a dumella hore direkoto di fihlellwe kapa tjhe. Mmusong wa naha, moofisiri wa lesedi lefapheng le kgethehileng ke Motsamaisi-Kakaretso; mmusong wa provense, Motsamaisi-Kakaretso Ofising ya Tonakgolo ke yena moofisiri wa lesedi bakeng sa provense kaofela; mmusong wa lehae, Motsamaisi wa Masepala sebakeng se kgethehileng sa masepala ke yena moofisiri wa lesedi. Bakeng sa mekga efe kapa efe e meng ya mmuso, moofisiri wa lesedi ke moofisiri ya phahameng wa phethahatso, kapa moofisiri e mong ya lekanang le yena wa mokga oo wa mmuso.
Boipiletso lekgotleng leo - ha ho buuwa ka boipiletso lekgotleng ho hlaloswa tsamaiso eo mokopi wa lesedi a sa kang a kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi kapa haeba kopo ya hae e ileng ya hlokomolohuwa mme a sa ka a amohela karabo nakong ya matsatsi a 30 / nako e ekeditsweng ya matsatsi a 30. Boipiletso lekgotleng leo bo tshwanetse ho romelwa ho bolaodi bo tshwanelehang moo boipiletso bo jwalo bo ka sebetswang. Bala tlhaloso ena mmoho le bolaodi bo tshwanelehang.?
Lesedi la Motho ka Seqo sa Hae lesedi lena le kenyelletsa lesedi le ka senolang motho, le hoja ho sa felle leseding le jwalo, lesedi le mabapi le moloko, bong, boimana, boemo ba lenyalo, botjhaba, setso kapa tlhaho ya motho, mmala, tshekamelo ya motho mabapi le hore na o rata molekane e motona kapa e motshehadi, dilemo, bophelo ba mmeleng kapa kelellong, boiketlo, ho se itekanele, bodumedi, letswalo, tumelo, moetlo, puo le ho belehwa ha motho eo; lesedi le mabapi le thuto ya sekolo kapa bongata, histori ya motho eo e mabapi le tlolo ya molao kapa mosebetsi kapa lesedi le mabapi le tshebediso ya tjhelete e amang motho eo?
Mokopi wa lesedi la hae mona ho bolelwa ka mokopi ya kopang hore a bone direkoto tse ngotsweng lesedi la hae?
Mokga wa Mmuso mona ho bolelwa ka lefapha lefe kapa lefe la mmuso kapa tsamaiso ya mmuso ya naha kapa ya provense kapa lefapha lefe kapa lefe la masepala kapa tshebetso kapa institjhushene e sebedisang matla kapa e etsang mesebetsi e ngotsweng Molaong wa Motheo kapa molaong wa motheo wa provense kapa lefapha le sebedisang matla a mmuso kapa le etsang mesebetsi ya mmuso ho ya ka molao ofe kapa ofe?
Mokga wa praevete - mona ho bolelwa ka motho ya etsang kapa o entseng mosebetsi, kgwebo kapa profeshene; mosebetsi wa bolekane o etsang kapa o entseng kgwebo kapa profeshene; kapa moemedi ofe kapa ofe wa molao empa ho sa kenyelletswe mokga wa mmuso.
Rekoto mabapi le mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete ho bolelwa ka lesedi lefe kapa lefe le ngotsweng ho sa natswe sebopeho sa lona kapa lesedi le leng tlasa taolo ya mokga wa mmuso kapa la praevete, ho sa natswe hore na le ngotswe ke mokga wa mmuso, kapa la praevete?
Bolaodi bo Tshwanelehang - mona ho bolelwa ka motho eo ho tliswang boipiletso ho yena. Mmusong wa naha, bolaodi bo tshwanelehang lefapheng le itseng ke Letona la lefapha leo; mmusong wa provense motho ya jwalo ke Setho sa Komiti ya Phethahatso MEC wa lefapha le itseng ke yena bolaodi bo tshwanelehang; mmusong wa lehae, Majoro kapa Sepikara ke yena bolaodi bo tshwanelehang. Kgaolo 9 ya Diistitjhushene, mekgatlo ya di-parasetatale le ya praevete ha e na bolaodi bo tshwanelehang mme ka lebaka leo haeba mokopi a ka ikutlwa a sa thabiswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi, o tshwanetse ho tlisa kopo ya hae kgahlanong le qeto eo ka kotloloho lekgotleng la molao?
Mokopi mona ho bolelwa ka motho ofe kapa ofe ya kopang ho bona direkoto?
Motho wa Boraro - ke motho kapa mokga o nang le thahasello rekotong e kopilweng. Mabapi le ho fihlela lesedi la direkoto tsa mokga wa mmuso motho enwa o bolela motho ofe kapa ofe (ho kenyelletswa empa ho sa felle moo, mmuso wa dinaha disele, mokgatlo wa matjhaba kapa lefapha la mmuso oo kapa mokgatlo) ntle ho mokopi ya amehang kapa mokga wa mmuso. Mabapi le ho fihlela lesedi la direkoto tsa mokga wa praevete, motho enwa wa boraro o bolela motho ofe kapa ofe (ho kenyelletswa empa ho sa felle mokgeng wa mmuso) ntle ho mokopi.
Matsatsi a mosebetsi Matsatsi a mosebetsi a bolela matsatsi afe kapa afe ntle ho Moqebelo, Sontaha kapa matsatsi a phomolo a setjhaba, ho ya ka tlhaloso ya karolo ya 1 ya Molao wa Matsatsi a Phomolo a Setjhaba wa 1994 (Molao wa Nomoro 36 1994)?
Bukeng ena, moo ho buuwang ka bong bo itseng ba batho bona bo tla kenyelletsa le bong bo bong hape.
Rephaboliki ya Afrika Borwa ke mmuso wa demokerasi o thehilweng makgabaneng a ho hlompha seriti sa batho, ho fihlela teka-tekano le ntshetsopele ya ditokelo tsa batho le ditokoloho.1 Mokgwa ona wa puso ya demokerasi ha o kwetle letho le lokelang ho tsejwa, o arabela ditlhokong le ho ikarabella ka diketso tsa yona. Moya ona wa ho se kwetle letho le lokelang ho tsejwa ke karolo ya bohlokwa haholo ha mokgatlo wa demokerasi mme o dumella batho hore ba fihlelle lesedi mabapi le seo mmuso o se etsang mafapheng yohle a ona bakeng sa bona kapa seo mmuso o sa se etseng.
Tokelo ena ya phihlelo ya lesedi e ngotswe tlasa karolo ya 32 ya Molao wa Motheo. Karolo ya 32 e bontsha hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le bolokilweng ke mmuso; kapa le tshwerweng ke motho ofe kapa ofe e mong le ka sebediswang bakeng sa tshireletso kapa le ka sebediswang bakeng sa tokelo efe kapa efe.
Tokelo ena e entswe ka sepheo sa ho dumella batho ho thabela ditokelo tse ding tsa bona, mohlala, ditokelo tsa bona setjhabeng le moruong. Ditokelo tsa setjhaba le tsa moruo di kenyelletsa tokelo ya ho ba le ntlo, dijo le bophelo, thepa, tikoloho e hlwekileng, jwalo-jwalo. Tokelo ena ya ho fihella lesedi ha e dumella batho ho thabela ditokelo tsa bona setjhabeng le moruong feela, empa hape e dumella batho ho thabela ditokelo tsa molao le tsa dipolotiki. Ka lebaka leo ho kgona ho fihlela lesedi ho kgothalletsa ho se kwetlwe ha lesedi le lokelang ho tsejwa, boikarabelo le taolo e sebetsang makgotleng kaofela a mmuso le a praevete, mme sena se tshehetsa ditokelo tse ding tsa batho.
PAIA ke molao o etsang hore Karolo ya 32 ya Molao wa Motheo e phele. O fana ka molao o dumellang tokelo ya ho fihlela lesedi le tshwerweng ke Mmuso, hammoho le mekgatlo e meng ya praevete.
Molao ona wa PAIA o hlalosa ka ho batsi tokelo ena le tekanyo eo tokelo ena e sebetsang ka yona. O hlalosa ka ho batsi ditsamaiso tse lokelang ho sebediswa ho fihlela lesedi lena, o fana ka mabaka a ka etsang hore ho hanwe ka lesedi, le mehato e ka nkuwang haeba ho hannwe ka lesedi lena. Molao ona wa PAIA o ile wa amohelwa ka 2000 le ho kengwa tshebetsong ka la 9 Tlhakubele 2001.
Ka lebaka lena molao ona wa PAIA o neha motho tokelo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le tlalehilweng le ho bolokwa kapa ho laolwa ke mokga wa mmuso kapa la praevete. Ka kakaretso Molao ona o sebetsa bakeng sa lesedi lefe kapa lefe le tlalehilweng le ho bolokwa kapa ho laolwa ke mokga wa mmuso kapa la praevete. Bonneteng, molao ona wa PAIA ke ona feela molao lefatsheng ka bophara o nehang motho tokelo ya ho kopa ho fihlela direkoto tsa mokga wa praevete, haeba rekoto e jwalo e kotjwa ka lebaka la ho sebedisa kapa ho sireletsa tokelo e itseng.
Ka lebaka lena, mohlala, tokelo ya ho fihlela lesedi e ka sebediswa ke batho ho netefatsa mehato e nkuwang ke mmuso ho sireletsa le ho tshehetsa bophelo ba bona ka ho kgethehileng kgahlanong le lefu le fokodisang la sewa la HIV le AIDS. Ha e le hantle, tokelo ena ya ho fihlela lesedi e ile ya sebediswa ke mokgatlo wa Treatment Action Campaign, ha o ne o kopa ho fihlela lesedi la Lefapha la Bophelo la Naha e le hore ho etswe dihlomathiso melaong ya lefapha ya Operational Plan for Comprehensive HIV and Aids Care, e meng e kenyelletsa ka ho kgethehileng leano la ho ntshuwa ha meriana e lwantshang kokwanahloko ya HIV.
Haeba batho ba lakatsa ho netefatsa haeba, mohlala, mmuso o nahanela ditlhoko tsa batho ba sa boneng, motho ofe kapa ofe bakeng sa thahasello ya setjhaba, a ka kopa lesedi le jwalo mmusong mabapi le leano la mmuso la h o hlokomela batho ba sa boneng ka ho thakgolwa ha tsamaiso ya Braille leanong la mmuso la dineheletsano. Hape batho ba ka sebedisa ditokelo tsa bona tsa ho fihlela lesedi ka ho kgethehileng mmusong wa lehae, moo ba ka netefatsang maano a masepala mabapi le tlhokomelo ya mebila, ho kengwa ha dipeipi tse tsamaisang dikgwerekgwere, dikabo tsa ditjhelete tse lokelang ho sebediswa, jj. Ho phaella moo, batho ba ka sebedisa tokelo ya bona ya ho fihella lesedi ka ho netefatsa maano a amanang le ho ajwa ha matlo ka hore ba kope lesedi le jwalo Lefapheng la Matlo le loketseng.
Jwaloka ha ho boletswe mona ka hodimo, motho a ka nna a fihlela lesedi mekgatlong ya praevete, e jwaloka dikhampani, haeba feela lesedi le jwalo le fanwa ka morero wa ho sebedisa kapa ho sireletsa ditokelo tsa motho, mohlala, motho a ka kopa direkoto tse bontshang hore ke ditshila tse kae tse lahlelwang nokeng ke khampani e itseng ya merafo. Mona tokelo e sireletswang ke tokelo ya bophelo bo botle, le tokelo ya ho ba le tikoloho e se nang dintho tse ka hlahisang kotsi.
Ka lebaka lena molao wa PAIA o neha batho tokelo ya ho kopa lesedi la mefutafuta. Leha ho le jwalo, ho na le direkoto tse itseng tse ke keng tsa kotjwa. Lethathamo la direkoto tseo e leng mokgelo hore di ka se kopuwe le tseo mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete le ka hanang ho fana ka tsona le thathamisitswe tlasa Karolo 6 ya Buka ena.
Ke mang ya ka kopang lesedi lena?
Molao wa PAIA o bontsha hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlela lesedi lena. Ka lebaka lena, mang kapa mang kapa le hoo ho nkuwang jwalo ka motho ka ho ya ka molao (mohlala, khampani e kgolo, kapa close corporation) ba ka kopa ho bona lesedi la mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete.
Hape dikopo tsa ho fihlela lesedi le jwalo di ka etswa lebitsong la motho e mong kapa mokga wa praevete. Nako e nngwe le e nngwe ha motho e mong a kopa lesedi le I tseng lebitsong la motho e mong, mokopi o tshwanetse ho fana ka bopaki ba boemo ba hao ba ho kopa lesedi le jwalo. Motho eo e leng mohlokomedi wa motho ya ka tlase ho dilemo tse 18; kapa motho eo e leng mohlokomedi wa motho ya sa kgoneng ho utlwisisa sebopeho sa kopo a ka etsa kopo lebitsong la batho bana. Haeba rekoto e kopuwang e le mabapi le mofu, mokopi o tshwanetse ho fana ka bopaki bo bontshang hore ke mong ka mofu, kapa bopaki ba mofu; kapa bopaki bo bontshang hore mokopi o amohetse tumello e ngotsweng e hlahang ho beng ka mofu mabapi le hore a etse kopo ena.
Haeba mokopi a sa kgone ho bala le ho ngola, a ka etsa kopo ena ka molomo, mme moofisiri wa lesedi o ngola kopo ena.
Lesedi lena le ka kotjwa ho bomang?
Lesedi lena le ka nna la kotjwa makgotleng a mangata a mmuso le mokgeng ya praevete. Motho a ka nna a kopa lesedi / direkoto mafapheng a mmuso, mafapheng a provense, ho tswa ho bomasepala, mekgatlo ya di-parastatale, dipetlele tsa mmuso, dipetlele tsa praevete, dikhampani, di-close corporations, mohwebi, jl.
Lefapha la Matlotlo, Lefapha la Bophelo, Lefapha la Ditaba tsa Lehae, Lefapha la Matlo, Lefapha la Ditshebeletso tsa Batshwaruwa, Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Bonono le Setso, Lefapha la Provense la Dipalanngwang tsa Setjhaba, Mebila le Mesebetsi ya Setjhaba, Lefapha la Bophelo la provense, City of Johannesburg Municipal Council, Tshwane City Council, Baragwanath Hospital, Johannesburg General Hospital, Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlahlobi wa Dibuka tsa Ditjhelete General, Johannesburg Water (Pty) Limited?
Leha ho le jwalo, ho elellwe hore mokga wa mmuso, jwaloka mafapha a naha le mafapha a provense, lekala la mmuso wa lehae le makgotla a mang a sebedisang matla a ona ka ho ya ka Molao wa Motheo mohlala, Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Mosireletsi wa Setjhaba, jj, a ke ke a kopa lesedi ho tswa lefapheng le leng ho ya ka molao wa PAIA. Makgotla ana a mmuso a ka kopa feela lesedi tlasa PAIA ho tswa ho di-parastatale kapa mekgeng ya praevete?
Ho na le mefuta e mengata ya lesedi le ka kotjwang mekgeng ya mmuso.
Bajete, dipholisi, dithuso le dikabo tsa tjhelete ya thuso, ditekanyo tsa meputso ya basebetsi ba mmuso, maano a ho aha dikolo, maano a ho aha diteishene tsa mapolesa, maano a ho ntlafatswa le ho lokiswa ha mebila ya naha, maana a ho aha dibaka tsa lekgetho la dikoloi mebileng, dipalopalo tsa naha mabapi le botlokotsebe, maano a ho aha dipetlele, maano a ho aha le ho hlokomela ditjhankane.
O ka etsa jwang kopo ya ho fihlela direkoto mokgeng wa mmuso?
Nako efe le efe eo motho (mokopi) a batlang ho kopa lesedi ho tswa mokgeng wa mmuso, o tshwanetse ngola kopo ya hae lengolong. Foromo A e tshwanetse tlatswa bakeng sa kopo mokgeng wa mmuso. Ha ho hlokahale hore mokopi a fane ka lebaka kapa mabaka a ho kopa rekoto ho tswa lekgotleng la m muso. Ho bohlokwa ho hlokomela hore lengolo la ho kopa rekoto kapa molaetsa wa thelefono wa kopo kapa imeile ya elektroniki ya kopo ha se mokgwa wa ho kopa lesedi ho ya ka molao wa PAIA. Haeba Foromo ya A e sa tlatswa, mokopi ha a iphaphatha le molao wa PAIA and ka lebaka leo a ke ke a tshepa hore PAIA e tla fana ka thuso efe kapa efe bakeng sa kopo eo.
Bakeng sa mekga ya mmuso, foromo ena e tshwanetse ho romelwa ho moofisiri wa lesedi, hammoho le tefo ya R35.00 bakeng sa kopo eo. Foromo ya A e tshwanetse ho fuwa moofisiri wa lesedi ka letsoho meahong eo a sebeletsang ho yona, e ka romelwa ka fekse kapa ka lengolo la electroniki.
Jwaloka ha ho boletswe pejana, baofisiri ba lesedi mekgeng ya mmuso ba tshwanetse ho thusa batho, bao ka lebaka la ho se kgone ho bala le ho ngola kapa ho itekanele ho itseng ba sa kgoneng ho tlatsa diforomo tsena ho etsa dikopo tsa bona. Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho ngola fatshe kopo ena ya bona ya molomo.
Ho tla etsahalang ka mora ho romela kopo mokgeng wa mmuso / ho sebetswa ha kopo?
Ka mora ho neha moofisiri wa lesedi Foromo A le ka mora ho lefa tjhelete e hlokahalang, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho araba kopo eo nakong ya matsatsi a 30. Moofisiri wa lesedi a ka atolosa nako ya matsatsi a 30 hanngwe feela bakeng sa matsatsi a mang a 30, ka mora hore a tsebise mokopi le ho fana ka mabaka a ho atolosa nako ena.
Haeba moofisiri wa lesedi a etsa qeto ya hore mokopi a ka dumellwa ho fihlela direkoto, o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi hore o tshwanetse o lefa tjhelete ya ho fihlela lesedi leo (ha ho hlokahala) bakeng sa nako e sebedisitsweng ho fuputsa direkoto le ho hlophisa rekoto, mme hape o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi hore na lesedi lena le tla fanwa le le sebopehong se jwang.
Boemong boo lesedi le jwalo le hanelwang, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi mabaka a ho hana ho fana ka lesedi lena le ho qotsa karolo e kgethehileng molaong wa PAIA e fanang ka lebaka la ho hana ka lesedi leo.
Ho thweng haeba ke sa amohele karabo nakong ya matsatsi a 30 / matsatsing a 30 a atolositsweng kapa haeba ke ikutlwa ke swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi?
Haeba kopo ya ho fihlela lesedi le mpa e hlokomolohuwa kapa moofisiri wa lesedi a hloleha ho araba kopo nakong y a matsatsi a 30 kapa nakong e atolositsweng ya matsatsi a mang a 30, ho se arabe ho jwalo ho tadingwa e le ho hana ho fana ka lesedi leo.
Moo mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang, mokopi o tshwanetse ho romela boipiletso lekgotleng leo ho bolaodi bo tshwanelehang, a hlalosa ho hloleha ha moofisiri wa lesedi ho arabela kopong ya hae. Kopo ya boipiletso lekgotleng leo e lokela ho romelwa ho bolaodi bo tshwanelehang nakong ya matsatsi a 60 ho tloha letsatsing leo moofisiri wa lesedi a neng a tlameha ho fana ka qeto mabapi le kopo eo. Leha ho le jwalo, haeba mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang le le siyo, mokopi o tshwanetse ho romela kopo ya hae lekgotleng la molao mme a hlalose ngongoreho ya hae kgahlanong le qeto ya moofisiri wa lesedi.
Ho na le maemo a mangata a ka etsang hore mokopi a ikutlwe hore o swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi. Mokopi a ka swabiswa ke: qeto ya moofisiri wa lesedi ka hore a se ntshe lesedi leo a le kopileng; qeto ya moofisiri wa lesedi ya ho ntsha lesedi empa ho hana ka dikarolo tse itseng tsa lesedi hoo botshepehi ba rekoto eo bo kginwang hampe, hoo lesedi leo le seng le se na moelelo ho hang; boholo ba tefo eo mokopi a tshwanetseng ho e lefa bakeng sa ho fihlela lesedi; sebopeho seo lesedi le ka fihlellwang ka sona; kapa nako e atolositsweng ya ho sebetsana le kopo.
Boemong leha e le bofe ho ana, mokopi a ka nna a romela boipiletso ho bolaodi bo tshwanelehang, nakong ya matsatsi a 60 ka mora ho amohela qeto ya moofisiri wa lesedi. Mokopi o tshwanetse ho tlatsa le ho romela Foromo ya B ya boipiletso ho bolaodi bo tshwanelehang.
Haeba mokopi a sa kgotsofatswa ke qeto ya bolaodi bo tshwanelehang, kapa haeba bolaodi bo tshwanelehang bo sa arabele boipiletsong ba lekgotla leo, mokopi a ka nna a romela kopo lekgotleng la molao ho ka ka molao wa PAIA. Kopo lekgotleng la molao e tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a 30 ka mora qeto e entsweng ke bolaodi bo tshwanelehang; kapa haeba bolaodi bo tshwanelehang bo hlolehile ho araba.
O ka etsa jwang kopo ya ho fihlela direkoto mokgeng wa praevete?
Nako efe le efe eo motho (mokopi) a batlang ho kopa lesedi ho tswa mokgeng wa praevete, o tshwanetse ngola kopo ya hae lengolong. O tshwanetse ho tlatsa Foromo C ho etsa kopo mokgeng wa praevete. Mokopi o tshwanetse ho fana ka lebaka kapa mabaka a hore a kope rekoto mokgeng wa praevete ka ho hlalosa tokelo eo a batlang ho e sebedisa kapa ho e sireletsa ka lesedi leo a le kopang.
Foromo C e tshwanetse ho romellwa hlooho ya mokga wa praevete hammoho le tefo ya R50.00 bakeng sa kopo eo. Hlooho ya mokga wa praevete e lokela ho arabela kopo ena ya ho fihlela lesedi nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho amohela kopo ena. Hlooho ya mokga wa praevete e ka atolosa nako ya matsatsi a 30 hanngwe feela bakeng sa matsatsi a mang a 30, ka mora hore a tsebise mokopi le ho fana ka mabaka a ho atolosa nako ena.
Ho thweng haeba ke sa amohele karabo ya kopo ya ka nakong ya matsatsi a 30 / matsatsing a 30 a atolositsweng kapa haeba ke ikutlwa ke sa kgotsofala ka qeto ya hlooho ya mokga wa praevete?
Haeba hlooho ya mokga wa praevete e hloleha ho arabela kopong ya lesedi le jwalo, mokopi a ka romela kopo lekgotleng la molao ka sello sa hae sa hore ha a ka a fumana karabo nakong ya matsatsi a 30 eo hlooho ya praevete e neng e lokela ho araba kopo.
Haeba mokopi a sa kgotsofala ka qeto ya hlooho ya mokga wa praevete ya ho hana kopo ya ho fihlela lesedi; kapa ka lebaka la qeto e entsweng mabapi le ditefiso tsa ho fihlela direkoto tsa mokga wa praevete; ka sebopeho sa ho fihlela lesedi leo, kapa katoloso ya nako ya matsatsi a 30 ya ho sebetsa kopo, nakong ya matsatsi a 30 mokopi a romela kopo ya hae lekgotleng la molao a bontsha sello sa hae kgahlanong le qeto le bakeng sa thuso e loketseng.
Ntle ho lekgetleng la molao leo mokopi a ka nna a romela kopo ya hae ho sona, mokopi a romela ngongoreho ya hae Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba (Public Protector) e le hore Mosireletsi a fetohe Mokenadipakeng, kapa esita le ho buisana le dihlopha ka bobedi hore di rarolle bothata bona. Hape mokopi a ka nna a romela taba ena / ngongoreho ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho hore e be Mokenadipakeng, kapa ho etsa tumellano ho ya matla a taolo ao e nang le wona, pakeng tsa dihlopha tsena ka bobedi haeba kopo ya mokopi ya ho fihlela lesedi e hannwe kapa haeba mokopi a swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi kapa hlooho ya mokga wa praevete.
Moo ho nang le motho e mong eo rekoto e kopuwang e amanang le yena, kapa moo motho ya itseng a thahasellang rekoto ya motho enwa e mong, motho enwa o bitswa motho wa boraro (third party). Maemong a jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho nka mehato yohle e hlokehang ho tsebisa motho enwa wa boraro (third party), mme o tshwanetse ho etsa jwalo nakong ya matsatsi a 21 ka mora ho amohela kopo.
Motho enwa wa boraro a ka bua ka molomo kapa ka lengolo ho tsebisa moofisiri wa lesedi le/kapa a ka fana ka tumello e ngotsweng mabapi le hore ho lokollwe rekoto eo nakong ya matsatsi a 21, ka mora ho tsebiswa ka kopo.
Ka mora ho nahanisa ka mantswe a boletsweng ka motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsa qeto hore na ebe o tla fana ka tumello ya ho fihlela direkoto tsa motho eo kapa tjhe. Ho hana ha motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae ho fana ka tumello ha ho bolele hore lesedi le jwalo le tla bolokwa le sa ntshuwe.
Phetiso ya kopo e etswa ha ho na le kopo e entsweng, mohlala haeba ho kopilwe Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, mme lefapha lena le se na rekoto eo e kopileng kapa le se na taolo ya rekoto eo. Empa rekoto eo e tshwerwe kapa e laolwa ka Lefapha la Temo. Haeba boemo bo jwalo bo etsahala, moofisiri wa lesedi Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo o tshwanetse hore, nakong ya matsatsi a 14, a fetisetse kopo eo ho moofisiri wa lesedi Lefapheng la Temo. Moofiri wa lesedi wa Lefapha la Temo o tshwanetse ho beha ka hodimo lenaneng kopo eo jwaloka ha e ka ke yena moamohedi wa pele wa kopo eo.
Moofisiri wa lesedi a ka nna a tjhetjhisa phihlelo ya rekoto, haeba rekoto eo e lokela ho hatiswa nakong ya matsatsi a 90 ka mora ho amohela kapa phetiso ya kopo, kapa bakeng sa nako e hlokahalang ya ho hatisa kapa ho fetolela rekoto. Hape phihlelo ya rekoto e ka tjhetjhiswa haeba molao o batla ho e hatisa le haeba e sa ntse e tla hatiswa. Phihlelo ya rekoto e ka tjhetjhiswa haeba haeba e se e hlophiseditswe ho romelwa lefapheng la molao lefe kapa lefe kapa motho, le haeba e sa ntse e tla romelwa. Phihlelo ya lesedi e ka tjhetjhiswa ka maemo a boletsweng ka hodimo ka nako e utlwahalang.
Nakong ya matsatsi a 30 moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho tsebisa mokopi mabapi le tsebiso ena ya ho tjhetjhiswa ha rekoto, le hore mokopi a ka itlhahisa ka boyena, le lebaka la hore na ke hobaneng ha rekoto eo e hlokahala pele ho kgatiso kapa thomello, le ho mo tsebisa ka bolelele ba nako ya tjhetjhisetsa rekoto morao.
Haeba mokopi a itlhahisitse jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka tumello ya ho fihlela rekoto eo haeba ho na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore ho tjhetjhiswa ha phihlelo ho tla sitisa haholo kahlolo e nang le toka hlo e tjhetjhiswa.
Ho tloswa hona ha dikarolo tse itseng ho amana le ho arola, ho hlakola kapa ho pata lesedi le ngotsweng rekotong. Moofisiri wa lesedi a ka nna a arola, a hlakola kapa a pata dikarolo tse itseng tsa lesedi le ngotsweng rekotong. Sena se etsahala haeba ho sa kgonehe hore lesedi le itseng le ngotsweng rekotong le lokollwe. Ka mokgwa o utlwahalang moofisiri wa lesedi a ka nna a tlosa dikarolo tse itseng tsa rekoto eo, le ho tshwara lesedi le tshwanetseng ho hanelwa ho ya ka mabaka a Molao a ho hana ka lesedi le jwalo.
Ka hore ka ho utlwahalang moofisiri wa lesedi a tlose lesedi le itseng rekotong, o tshwanetse ho tiisa hore moelelo wa lesedi o ntse o utlwahala. Bona mehlala e leng Sehlomathisong B ya rekoto eo ho patilweng lesedi rekotong mme moelelo o lahlehileng, le moo lesedi le patilweng rekotong empa moelelo o ntse o le teng.
Moo lesedi leo le rekotilweng motjhining mme ho ka kgoneha hore ho etswe dikopi tsa kgatiso e jwalo ha mantswe, ho tshwanetse hore ho etswe ditokisetso tsa hore mokopi a tle ho utlwa mantswe ao a rekotilweng. Haeba direkoto tse ngotsweng kapa tse printilweng tsa mantswe ao di ka hatiswang hape, dikopi tseo di tshwanetse ho fanwa.
Haeba mokopi a sa itekanela mmeleng mme ho se itekanele ha hae ho etsa hore a hlolehe ho bala, ho bona kapa ho utlwa rekoto e jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho nka mehato e utlwahalang ho etsa hore rekoto ena e etswe ka sebopeho seo e ka balwang, ho shejwa kapa ho mamelwa ke mokopi ka sona.
Moo mokopi a ka kgonang ho fihlela rekoto ka ho e hlahloba, ho e sheba kapa ho e utlwa, mokopi a ka etsa dikopi tsa rekoto a sebedisa thepa ya mokopi.
Haeba boipiletso lekgotleng leo kapa kopo e rometswe lekgotleng la molao kgahlanong le ho fanwa ka tumello ya phihlelo ya rekoto, ho ka fanwa ka phihlelo ha ho fihletswe qeto ya ho fana ka yona.
Haeba o fanwe ka tumello ya ho fihlela rekoto, mokopi o tshwanetse ho fuwa phihlelo ya rekoto eo ka puo eo a e kgethang, haeba e le teng. Moo ho se nang rekoto ka puo eo o e batlang kapa haeba mokopi a sa ka a bontsha hore o batla rekoto ka puo e feng, ho tla fanwa ka rekoto eo ka puo efe kapa efe e teng.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho baballa rekoto ho fihlela ho entswe qeto ya ho qetela. Ho se sitisanwe le direkoto tsohle tse nang le lesedi le kopilweng; di se patwe; di se sengwe; di se lahluwe kapa ho ngolwa dintlha tsa mashano.
Ho na le bothata mabapi le ho boloka direkoto mek geng ya mmuso le ya praevete. Mekga ya mmuso le ya praevete e na le dipholisi tsa yona tsa ho boloka direkoto. PAIA ha e fane ka tsamaiso ya ka moo lesedi le lokelang ho bolokwa ka teng.
Poloko e bohlaswa ya direkoto e ka ba le tshwaetso e mpe mabapi le ditefo tsa phihlelo ya lesedi ka lebaka la nako e nkuwang ho batlwa direkoto le ho di hlophisa. Hape e tla tshwaetsa ho fanwa ha lesedi kapele kamoo ho ka kgonehang ka teng; sena se ka bonwa maemong ao lesedi le hlokahalang kapele-pele le ho fanwa kapele-pele kamoo ho kgonehang ka teng.
Tsamaiso e ntle ya ho boloka direkoto e ka thusa ba boholong ho phethahatsa mesebetsi ya bona ho ya ka Molao ona. Sena se tla tiisa hore ho etswa direkoto tse tshepahalang, ho tla ba bonolo ho fumana moo direkoto tsena di bolokilweng, ho tla etsa hore phihlelo ya lesedi e potlakiswe bakeng sa bakopi ba lesedi, le ho fana ka ditokisetso tsa hore qetellong direkoto di bolokwe kapa di lahluwe.
Buka ya direkoto tsa lesedi ke tokomane e lokelang ho tlatswa ke mekga yohle ya mmuso. Mekga ya mmuso e sa tswa thehwa e tshwanetse ho hlophisa buka ya direkoto tsa lesedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora hore mokga wa mmuso le thehwe. Buka ena ya direkoto tsa lesedi e tshwanetse ho ngolwa lebitso le aterese ya mokga wa mmuso; ditshebeletso tse fanwang ke mokga oo wa mmuso; lethathamo la direkoto tse bolokilweng ke mokga oo wa mmuso le lesedi leo batho ba ka kgonang ho le fihlela direkotong tseo. Mokga ka mong wa mmuso o tshwanetse ho hlophisa buka ya direkoto tsa lesedi ka dipuo tse tharo tsa semmuso le ho romela tsena Khomisheneng ya Ditokelo tsa Batho ya Afrika Borwa. Hape buka ena e nang le direkoto tsa lesedi e tshwanetse ho fumaneha websaeteng ya mokga wa mmuso, haeba e le teng le ho fumaneha ofising e nngwe le e nngwe ya mokga wa mmuso. Haeba ho hlokahala mokga wa mmuso o tshwanetse ho ntjhafatsa le ho phatlalatsa buka ena e ngotsweng direkoto tsa lesedi hanngwe ka mora selemo le selemo.
Mokga ka mong wa mmuso o tshwanetse ho beha direkoto tsena ka dihlopha e le hore o fumaneha ha bonolo ntle ho hore ho kopjwe lesedi ho ya ka PAIA. Ona ke mofuta wa lesedi leo motho a ka le fihlelang ntle le hore motho a latele ditsamaiso tse hlokwang ke Molao ona. Dihlopha tsena tsa direkoto di tshwanetse ho romellwa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Lesedi lena le tshwanetse ho kenyelletswa karolong ya 14 ya dibuka tsa direkoto tsa lesedi.
Mekga ya praevete a ka beha direkoto ka dihlopha tse ka fumanehang kapelepele, ntle ho hore direkoto tse jwalo di kopjwe ka tlwaelo ke mokopi ho ya ka PAIA.
E le hore direkoto tsa mokga wa mmuso di ka fihlellwa habonolo kamoo ho ka kgonehang ke mokopi, mokga wa mmuso o tshwanetse ho kgetha batlatsi ba baofisiri ba lesedi.
Moofisiri wa lesedi a ka nna a abela motlatsi wa moofisiri wa lesedi matla a hae a taolo. Kabo e jwalo ya matla a taolo e lokela ho ngolwa fatshe mme e ka tloswa ka nako efe kapa efe.
Mokga o mong le o mong wa mmuso le tshwanetse ho romela rekoto ya selemo le selemo (nako ya ho tlaleha la 1 Mmesa ho fihla ka la 31 Tlhakubele) ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e bontshang palo ya dikopo tse ileng tsa romelwa mokgeng o itseng wa mmuso le hore na ebe mokga oo wa mmuso o ile wa sebetsa jwang dikopo tseo. Rekoto ena e tshwanetse ho bontsha hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa fanwa ka botlalo; hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa hanwa; hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa fanwa ho ya ka karolo 46 le tseo ho fanweng feela ka karolo e itseng ya kopo le makgetlo ao Molao ona o ileng wa sebediswa ho hana phihlelo e feletseng kapa phihlelo e sa fellang; palo ya diketsahalo tseo nako ya matsatsi a 30 a ileng a atoloswa; palo ya boipiletso bo ileng ba etswa; palo ya boipiletso bo ileng ba etswa ka lebaka la dikopo tse ileng tsa hanwa; palo ya dikopo tse ileng tsa romelwa lekgotleng la molao ka hobane di qheletswe thoko ke boipiletso mokgeng oo. (Bona Sehlomathiso C?
Ha mokopi a tsebisa moofisiri wa lesedi wa mokga wa mmuso hore o kopa ho bona direkoto tse itseng tsa mokga wa mmuso, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka thuso e jwalo e utlwahalang, ntle ho tefo, le ho thusa mokopi ho tlatsa foromo e loketseng.
Haeba kopo ya ho fihlela direkoto e sa iphaphathe le melao ya PAIA, moofisiri wa lesedi a ke ke a hana kopo ka hobane feela e sa iphaphathe le melao e jwalo, ntle le haeba moofisiri wa lesedi a ile a tsebisa mokopi ka lengolo mabapi le qeto ya hae ya ho hana kopo eo, hammoho le mabaka a qeto ya ho hana kopo eo le hore moofisiri wa lesedi o tla thusa mokopi, e le hore kopo e etswe ka mokgwa oo ho ke keng ha ba le mabaka a hore e hanwe.
Moo ho kgonehang, ho phaella leseding le kopilweng ke mokopi (leo ho ka dumellwang phihlelo ya lona kapa e ka nnang ya hanwa), moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho neha mokopi lesedi le leng le bolokilweng mokgeng wa mmuso, le tsamaisanang le lesedi leo a le kopileng.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho neha mokopi nako e lekaneng ya hore a netefatse kapa ho fetola kopo, e le hore tsena tsohle di iphaphatha le lesedi le hlokahalang foromong ya kopo.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho arabela kopong ya phihlelo ya direkoto nakong ya matsatsi a 30, ka mora ho amohela kopo eo. moofisiri wa lesedi a ka nna a atolosa nako eo ya matsatsi a 30, ha nngwe feela, mme e ka eketswa ka matsatsi a 30. Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsa qeto mabapi le hore na ebe o tla fana ka tumello ha ho fihlellwa ha direkoto kapa tjhe, mme o tshwanetse ho tsebisa mokopi ka lengolo mabapi le qeto ena.
Haeba ka mora hore moofisiri wa lesedi a amohele kopo ya ho fihlela direkoto, mme ho bonahala ka ho hlaka hore kopo ena e lokela ho romelwa mokgeng o mong wa mmuso, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka thuso e jwalo e hlokahalang, e le hore mokopi e kgone ho romela kopo ya hae ho moofisiri ya loketseng wa mokga wa mmuso; kapa o tshwanetse ho fetisetsa kopo ena ho moofisiri ya loketseng, mokgwa ona o ka potlakisa dintho haholo.
Moo kopo ya ho fihlela direkoto e romeletsweng moofisiri wa lesedi wa mokga wa mmuso mme rekoto eo e sa bolokwa ke mokga oo kapa e se taolong ya mokga oo, empa e bolokilwe ke mokga o mong wa mmuso; kapa moo lesedi le hlokahalang rekotong eo e kopilweng e amanang haufi le mesebetsi ya mokga o mong wa mmuso, nakong ya matsatsi a 14 ka mora ho amohela kopo eo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fetisetsa kopo eo ho moofisiri wa lesedi wa mokgeng o loketseng wa mmuso.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho tsebisa mokopi taba eo ka lengolo.
Haeba kopo ya ho fihlela direkoto e fanwa, tsebiso ya lengolo e tshwanetse ho hlalosa tefo (haeba e le teng) ya phihlelo e jwalo e lokelang ho lefuwa, le hore rekoto eo e tla fihlellwa e le sebopehong sefe. Tsebiso eo e tshwanetse ho hlalosa hore mokopi a ka nna a kopa hore ho etswe boipiletso mokgeng oo kapa a ka etsa kopo lekgotleng la molao, ho ya ka moo ho hlokahalang ka teng.
Haeba phihlelo ya direkoto tseo e hanwa, tsebiso e tshwanetse ho bontsha mabaka a sebele a ho hana tumello eo, ho kenyelletswa le melao ya PAIA e laolang ditaba tsena. Tsebiso e lokela ho hlalosa hore mokopi a ka nna a kopa hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo kapa a ka nna a etsa kopo lekgotleng la molao, ho ya kamoo ho hlokahalang ka teng, kgahlanong ke ho kganelo ena ya kopo, mme tsebiso e tshwanetse ho hlalosa mekgwatshebetso e ka latelwang le bolelele ba nako, bakeng sa ho romela kopo ya hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo kapa thomello ya kopo, kamoo ho hlokahalang ka teng.
Dihlooho tsa mekga ya praevete di tshwanetse ho ngola buka ya rekoto ya lesedi ho ya ka karolo 51 ya PAIA le ho romela buka ya rekoto ya lesedi Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa; le mokgeng o laolang oo mokga ona wa praevete e leng setho, haeba o le teng. Hape le tshwanetse ho etsa hore buka ena ya direkoto tsa lesedi e fumanehe ho websaete ya yona, haeba e le teng. Mekga ya praevete ha a tlasa tlamo ya hore a ngole buka ena ka dipuo tse tharo.
Leha ho le jwalo, hona jwale mekga ya praevete a behetswe thoko tabeng ya ho ngola dibuka tsa wona tsa rekoto ya lesedi. Bona Sehlomathiso D.
Jwaloka ha ho boletswe pejana, ho na le dithibelo mabapi le tokelo ya ho fihlela lesedi le itseng. Dithibelo tsena di ka sebopeho sa hore direkoto tsena di behetswe thoko mme di ke ke tsa kopjwa, le mabaka ao moofisiri wa lesedi a ka nnang a a sebedisa ho hana phihlelo ya direkoto tseo ho ya ka PAIA.
PAIA e fana ka lenane la direkoto tse behetsweng thoko tse ke keng tsa kopjwa.
Tsena ke direkoto tsa Kabinete le dikomiti tsa yona; direkoto tse amanang le mesebetsi ya makgotla a molao tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 166 ya Molao wa Motheo, direkoto tsa Makgotla a Kgethehileng (Special Tribunal) tse entsweng ho ya ka karolo ya 2 ya Diyuniti tsa Bofuputsi bo Kgethehileng le Molao wa Special Tribunal wa Nomoro 74 wa 1996, direkoto tsa mookamedi wa lekgotla la molao kapa Special Tribunal; direkoto tsa ditho ka bomong tsa Palamente kapa makgotla a ketsamolao a provense, kapa direkoto tse amanang le qeto eo ho buuwang ka yona serapeng (gg) se hlalosang mosebetsi wa tsamaiso karolong 1 ya Molao wa Ntshetsopele ya Tsamaiso ya Toka, 3 wa 2000, o mabapi le ho kgethwa ha mookamedi wa lekgotla la toka kapa motho ofe kapa ofe wa Khomishene ya Ditshebeletso tsa Boahlodi ho ya ka molao ofe kapa ofe?
Phihlelo ya direkoto e ka nna ya hanelwa, mme PAIA e fana ka lenane la mabaka ao mokga wa mmuso kapa wa praevete o ka hanelang phihlelo. Ho na le mabaka a tlamang le ao ho ka sebediswang kahlolo e ntle. Mabaka a tlamang a ho hana phihlelo ke a bohlokwa ho qoba dikgohlano le melao le ho sireletsa dithahasello tse itseng. Mohlala, thahasello e amanang le tshireletso ya naha, thahasello ya makgotla a itseng a mmuso, e leng, makgotla a molao, Palamente, hammoho le dithahasello tsa kgwebo, dithahasello tsa motho eo ho kopuwang direkoto tsa hae, jj.
Motho eo ka boikemisetso ba ho hana ka tokelo ya phihlelo ya lesedi ho ya ka PAIA a senyang kapa a fetola dintlha tse ngotsweng direkotong; a pata direkoto; kapa a ngola lesedi la bohata kapa a etsa rekoto ya bohata; motho ya jwalo o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi.
Moofisiri wa lesedi eo ka boomo kapa ka bohlaswa a hlolehang ho iphaphatha le melao e ngotsweng karolong 4 (ho romelwa ha buka ya direkoto tsa lesedi) o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi.
Hlooho ya mokga wa praevete eo ka boomo kapa ka bohlaswa e hlolehang ho iphaphatha le melao e ngotsweng karolong 51 (ho romelwa ha buka ya direkoto tsa lesedi) o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi.
Tsamaiso ya dithendara ke eo bafani ba ditshebeletso ba mengwang hore ba romele dikopo bakeng sa ho fana ka ditshebeletso tse itseng mekgatlong ya mmuso, le ho hlodisana bakeng sa ho fumana kontraka. Mohlala, Masepala wa Bua wa Freistata o ntsha thendara bakeng sa ho tloswa ha ditshila. Elly Transport, Billy Transport le Cicily Transport ba romela dithendara tsa bona. Ka mora ho lenaneo la ho etsa dikahlolo mabapi le ho fana ka thendara, Cicily Transport e kgethwa jwaloka mofani wa ditshebeletso tsa ho tlosa ditshila. Na bafani ba ditshebeletso ba hlolehileng ho fumana thendara, Elly Transport le Billy Transport ba ka sebedisa PAIA ho kopa ho fihlela direkoto tsa Komiti ya Kahlolo mabapi le dithendara e neng e okametse ho kgethwa ha mofani ya fuweng thendara ya tshebeletso?
Karabo ke hore, e, ba ka nna ba kopa ho di bona. Leha ho le jwalo, tokelo ya ho fihlela lesedi e tshwana le ditokelo tse ding e na le dithibelo tse itseng. Sena se bolela hore kopo ya ho fihlela direkoto e ka nna ya hanwa haeba ho na le mabaka a ho etsa jwalo ho ya ka PAIA. Haeba bafani ba ditshebeletso ba sa kang ba fuwa thendara ba batla hore Komiti ya Kahlolo ya dithendara e ba nehe mabaka a entseng hore bona ba se kgethuwe, ba lokela ho sebedisa molao o fapaneng, e leng, Molao wa 2000 wa Ntshetsopele ya Tsamaiso ya Toka.
Nosipho o dula metseng ya mahae mme o batla ho tseba hore na ke hobane ha masepala wa moo o sa nehe motse wa bona ditshebeletso tsa tanka ya metsi. O romela kopo ho ya ka PAIA hore a fuwe dipolane tsa ho iswa ha metsi matlong a leng motseng wa habo. O fuwa dipolane tsena ho ya ka PAIA, mme o lemoha hore le hoja ho na le dipolane tsena, bakganni ba ditanka tsa metsi ba feta motse oo a dulang ho wona, ka hobane o ne o se mmileng wa bakganni ho ya ka kontraka e fuweng mofani wa ditshebeletso tsa metsi a tanka tsa masepala. Basebetsi ba masepala ba tsebiswa ka taba ena, mme bona ba kopa bakganni ba tanka ya metsi hore ba eme motseng wa Nosipho e le hore baahi ba motse oo ba ka fumana metsi. Ke kamoo PAIA e ka sebediswang ka teng ho thusa batho ho fihlela ditshebeletso tsa bohlokwa.
Tsakane o ile a etsa kopo ya ho fumana ntlo ya RDP Lefapheng la Matlo la provense ya Polokwane ka 2004. Ha a ka a fumana karabo ho tswa lefapheng leo. Jwale o batla ho tseba hore na ebe o teng lenaneng la lefapha la batho ba abelwang matlo. A etsa qeto ya ho sebedisa PAIA ho kopa lesedi mabapi le na ke dintho dife tse hlokahalang bakeng sa ho tshwaneleha bakeng sa ho abelwa ntlo, le hore na ebe lebitso la hae le ne le ngotswe lenaneng la batho ba emetseng matlo le hore a tsebe mabapi le dipolane le nako e hlophisitsweng ya ho aha matlo a RDP. A romela Foromo A ya hae ho moofisiri wa lesedi lefapheng leo, le ho amohela karabo kopong ya hae nakong ya matsatsi a 30. Ka mora hore a amohele lesedi lena, ha a ka a fumana lebitso la hae le ngotswe lenaneng leo, le hoja a ne a tshwaneleha dintho tse hlokahalang. O ile a lemoha ka lebaka la phoso ya tshebetso lefapheng, lebitso la hae ha le a ka la ngolwa. A tshohla taba ena le MEC ya Matlo ya Polokwane, mme MEC a mo thusa ka hore lebitso la hae le kenyelletswe lenaneng la mabitso a batho ba emetseng matlo.
Ke tshwanetse ho lefa nako e telele hakae pele ke amohela karabo?
Na ke tshwanetse ho fana ka mabaka kapa ho hlalosa tokelo eo ke lakatsang ho e sireletsa kapa ho e sebedisa ha ke kopa lesedi ho tswa mokgeng wa mmuso?
Na ke tshwanetse ho fana ka mabaka kapa ho hlalosa tokelo eo ke lakatsang ho e sireletsa kapa ho e sebedisa ha ke kopa lesedi ho tswa mokgeng wa praevete?
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa lefapha la mmuso kapa haeba moofisiri enwa wa lesedi a sa arabe kopo ya ka?
Boipiletso bo lokelang ho etswa ke lekgotla leo bo romelwa ho mang?
Kopo ya boipiletso lekgotleng leo e tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a makae?
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlahlobi-Kakaretso wa Dibuka tsa Ditjhelete, Khomishene ya Tekano ya Bong kapa haeba moofisiri wa lesedi makgotleng ana a sa ka a araba kopo ya ka?
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa lefapha la praevete kapa haeba mookamedi enwa wa lesedi a sa arabe kopo ya ka?
Dibopeho tse tharo tse sa tshwaneng tsa ho fihlela lesedi ke dife?
Ka mora ho amohela foromo ya ho kopa lesedi, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsang ha a lemoha hore ha a na taolo ya direkoto tse kopuweng kapa ha a di tshwara?
Ho etsahalang mabakeng ao ba boholong ba tshwanelehang ba hlolehang ho fana ka tsebiso e mabapi le qeto ka boipiletso bo lokelang ho etswa ke lekgotla leo Haeba o sa kgotsofala, o ka nka mehato efe?
Karolo ya 90 ya PAIA e hlalosa hore haeba motho ka boikemisetso ba ho hana ho fana ka tokelo ya ho fihlela rekoto/direkoto mme a senya kapa a fetola rekoto, a pata rekoto kapa a ngola dintlha tsa bohata rekotong, motho eo o tlola molao mme a ka lefiswa faene kapa a kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse pedi. PAIA e tshwanetse ho balwa hammoho le Molao wa Diakhaeve tsa Naha wa Afrika Borwa wa No 43 wa 1996 jwalo ka ha o ntjhafaditswe.
<fn>sot_Article_National Language Services_Sephuthelo.txt</fn>
O a amohelwa lethathameng la Demokrasi la Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (Independent Electoral Commission). Lethathama lena ke sete ya dikarete tse 4 tseo ho leng bonolo ho itsamaela ka tsona le ho di bala. Dikarete tsena di leka ho bontsha hore dikgetho di o dumella ho etsa ntho e itseng. Dikgetho ke mokgwa wa ho etsa dintho tse itseng . Ha batho ba kenetse mokgwa o itseng wa ho etsa dintho, ba re kapa ba bontsha seo ba se hlokang kapa seo ba se batlang ka ho itseng.
Ha o kgetha, o re kapa o bontsha seo o se hlokang kapa seo o se batlang. O hlahisa kgetho ya hao.
Dikgetho di simolla ka motho a le mong ka mantswe a mang, ka wena?
Ke taba ya bohlokwa hore o utlwisise hore ho vouta ke ketso e matla. Ke ntlha ya bohlokwa hore o utlwisise hantle ntho eo o e etsang ha o hlahisa kgetho ya hao. Re lakatsa hore o ke o nahane ka lesedi leo o tla le fumana dikareteng tsena, e le hore ha o se o di badile kaofela, o tle o tsebe ho utlwisisa ka ho hlaka hore o motho wa bohlokwa ho le hokae demokrasing e tshwanang le ya Afrika Borwa.
Dikareteng tsena re kopa hore o qale ka ho itjheba ha o na le motho e mong, le ba lelapa, o le mokgatlong o itseng kapa o le kahare ho setjhaba se itseng. Ho tloha moo o tla tadima Afrika Borwa, mme re o thusa ho fumana hore na o utlwisisa moo o tshwanelang teng dibopehong tse tshwanang le wate (ward), ho masepala, provenseng le naheng ya heno ya Afrika Borwa. Ha o se o entse jwalo, o tla be o se o le malala-a-laotswe ho ka nahana ka moo o kenang teng kontinenteng ya Afrika, Lefatsheng ekasitana le Yuniveseng.
Re dumela ntho ena e tla o thusa ho tadima dikgetho ho la Afrika Borwa ka tsela e fapaneng. Re dumela hore ha o se o qetile ho sebetsana le dikarete tsena kaofela, bonyane o tla be o ikemiseditse ho nahana hape ka kgetho ya hao ya ho ba le seabo kapa tjhe dikgethong tsena.
Re na le tshepo ya hore o tla natefelwa ke ho bala ka ditaba tsena. Re lekile ho o fa lesedi la bohlokwa ka ho fetisisa ka ditaba tsena, empa ha re a leka ho akaretsa tsohle. Re hlwaile le tsela e ikgethang ya ho nahana ka ditaba tsena. Ha se yona feela tsela e le nngwe e ka latelwang. Empa re dumela hore ke e tla o thusa ho sheba dibaka tsa tsebo tse tlisang phetoho e kgolo bophelong ba hao.
Ntho eo o ka nahang ka yona!
Re batla ho ba le lentswe ha ho etswa diqeto tse re amang. Re batla ho ba le seabo mokgweng ona o latelwang. Batho ha ba rate hore ba be le maikutlo a hore ho na le motho e mong ya laolang bophelo ba bona. Ha re batle ha batho ba bang ba etsa diqeto tse re amang, empa re sa tsebe letho ka tsona. Boholo ba rona re batla ho ameha mokgweng ona wa ho etsa dintho. Ho na le batho ba bang ba reng ha ba batle ho ameha, empa boemong bo bong bo itseng bophelong ba bona, ho na le ntho e kgwaphohang kahare ho dihlooho tsa bona, ba qale ho botsa, Ke ne ke le kae ha qeto eo e ne e etswa?
Demokrasing diqeto di etswa ke batho BOHLE ba angwang ke diqeto tseo, e ka ba ka tsela e otlolohileng kapa e tshopodi. Lemoha hore re toboketsa BOHLE. Re etsa sena ho toboketsa ka moo motho e mong le e mong e leng wa bohlokwa ka teng?
Empa ke hobaneng ha motho e mong le mong e le wa bohlokwa?
Karabo mona e bonolo haholo hoo o ke keng wa nahana ka yona: Ke hobane o teng o a phela! O motho! O teng! O a phela! O na le tokelo yohle.
Tokelo ke eng Tokelo ke ntho eo o ka e tsekang. Tokelo ke ntho eo o loketseng ho ba le yona. Tokelo tsa botho ke ditokelo tseo o ka di tsekang hobane o le motho. O loketse hore o be le tsona hobane o le motho. Tlhoko ya hao ke hore feela o teng o a phela! Ha ho hlokahale hore o rutehe kapa o be morui. Ha o a tlameha hore o dule karolong e kgetholohileng ya lefatshe. Ha o a lokela hore o be le letlalo la mmala o ikgethang?
O na le ditokelo tsa botho hobane o motho mme ha ho tsotellehe hore motho o hlaloswa ka mokgwa o jwang. Ditjhaba tseo eleng ditho tsa mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng di ile tsa dumellana ka ditokelo tsa mantlha tsa batho dilemong tse ngata haholo tse fetileng, ka 1958?
Na o nahana hore ho tlamehile ho ba le leraba le itseng le tla o tshwasa kaekae Nnete, ke hore leraba le teng: Tokelo efe kapa efe eo o e tsekang, ntho efe kapa efe eo o tlamehileng hore o be le yona, e feleheditswe ke boitlamo bo itseng le kapa boikarabelo! O fumana ntho e itseng, empa le wena o lokela ho fana ka ntho e itseng?
Ho fihlela mona o sibolotse eng ka demokrasi?
Demokrasi ke tsela eo re e sebedisang ho etsa qeto e etswang ke BOHLE bao qeto ena e ba amang ka mokgwa o otlolohileng kapa o tshopodi.
Ha o angwa ke qeto e ilo etswa, o tseba seo o se hlokang, seo o se batlang, seo o se lakatsang le seo o se labalabelang.
O a tseba hore o na le boitlamo kapa boikarabelo ho ka buwa kapa ho hlahisa seo o se hlokang, o se batlang, o se lakatsang kapa o se labalabelang bathong ba bang bao le bona ba angwang ke qeto e ilo etswa.
Batho bohle ba angwang ke qeto ba lokela ho sheba le ho hlahloba ditlhoko, tseo ba di batlang, tseo ba di lakatsang le tseo ba di labalabelang tseo ba di hlahisitseng. Jwale bohle le ka hlahloba boikgethelo ba bona BOHLE kapa boikarabelo ba bona.
Jwale le ka etsa qeto hore le tlo etsa jwang. Ka mantswe a mang, le etsa qeto ka mohato oo le tla o latela.
Bohle le a dumellana ka mohato oo le tla o latela. Le amohela mohato ona oo le tla o latela.
Qetellong, le phethahatsa mohato oo. O etse seo le dumellaneng ka sona.
Kamehla o kgutlele mohatong wa pele hobane ditlhoko, dintho tseo batho ba di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa bona di a fetoha. Batho ba hola mme ba tswele pele. Ka hoo ka dinako tsohle sebaka se lokela ho ba teng sa phetoho le kgolo! Ka mehla, kgutlela morao mohatong wa pele hobane o hloka hore o etse qeto ya hore na ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo di fetohile haholo hoo o nang le maikutlo a mang ka mohato oo o amohetseng oo o lokelang ho o latela.
Ha ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo di fetohile haholo, jwale o tla lokela hore o latele mehato hape botjha.
Jwalo ka ha o lemoha, demokrasi ya sebele ke mosebetsi o boima. Ka dinako tse ding re lekeha hore re kgaoletse ka la pholo-kgwaba, le ho batla ho, Bolella bohle seo ba lokelang ho se etsa! Empa ako nahanise taba ena. Ke taba ya bohlokwa ho etsa mosebetsi ona o boima haeba qetellong o tla utlwa ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa hao di ile tsa fetoha karolo ya mokgwa ona o lokelang ho latelwa! Na o ke ke wa dumela?
Hobaneng e le ntho ya bohlokwa hore ke sebetse hantle dintho tseo ke di hlokang, tseo ke di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa ka?
O na le tokelo le boitlamo ba ho itlhokomela. Ha ho motho ya tsebang ditlhoko tsa hao, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabaelo tsa hao ho feta wena! Ka hoo, ke nnete, hore o na le tokelo ya ho ba lefatsheng lena mme o na le tokelo ya ho ba motho ya hlwahlwa ka ho fetisisa! Empa o lokela hore o etse qeto ya hore na bohlwahlwa bo bolelang ho wena! Na ha se mohopolo o motle?
Pele re tswela pele, re batla ho buwa taba ya bohlokwa e mabapi le batho ba ikgethang ba bitswang hore ke bana. Dinaheng tse ngata, motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18 ke ngwana. Seboka sa Ditokelo tsa Bana se tshireletsa ditokelo tsa bana.
Batho ba baholo ba na le boikarabelo ba ho etsetsa bana diqeto.
Batho ba baholo ba lokela ho etsa diqeto tse molemong wa ngwana?
Batho ba baholo ba lokela ho tataisa le ho laola bana ba bona, ho latela bokgoni ba ngwana e mong le e mong.
Hantlentle hoo ho bolelang Ho bolela hore ha bana ba se ba hodile ho lekaneng ho ka inahanela ka dintho tse ba amang, batho ba baholo ba lokela ho ba dumella ho hlahisa maikutlo a bona. Batho ba baholo ba lokela hore ba nkelle hloohong maikutlo a bana nakong eo ba etsetsang bana diqeto. Ha bana ba ntse ba hola mme ba butswa ho feta ka kelellong tsa bona, batho ba baholo ba lokela hore ba nkelle hloohong maikutlo a bona ho feta?
Ka mantswe a mang, batho ba baholo ha ba lokela ho hatella bana ho etsa ntho eo ba batlang hore ba e etse ho sa natswe hore bana ba hlokang, ba batlang eng, ba lakatsa hore ho etsahale jwang kapa tabatabelo tsa bona ke dife. Batho ba baholo, ba lokela ho ruta bana hore ba etse diqeto tse tla ba etsa batho ba hlwahlwa, diqeto tse tla nyehela bohlwahlweng ba batho. Batho ba baholo ha ba rua bana. Ba na le boikarabelo ba ho ba ruta HORE ba nahane jwang, eseng hore ba nahane ENG. Ba na le boitlamo ba ho hodisa bana ka mokgwa o tla etsa hore ba fetohe batho ba ikemetseng ba tsebang ho amohela hore batho ba bang ba na le ditokelo tse tshwanang le tsa bona tsa ho ba teng le ho phela?
Empa haeba batho kaofela ba ruile lefatshe mme batho kaofela ba tshwanelwa ke ho thaba le ho kgotsofala, re tla hlahisa maikutlo a rona jwang ka dintho tseo re di hlokang, re di batlang, re di lakatsang le tseo re di labalabelang ka mokgwa o motle o ke keng wa utlwisa ba bang bohloko?
Ha qeto e ama feela batho ba palo e itseng batho bao e tla ba bona ba tla etsa qeto ka bobona. Ba tla etsa qeto ka mokgwa o otlolohileng. Ha qeto e ama palo e kgolo ya batho kapa dihlopha tse ngata tsa batho, dintho di tsamaya ka potlako ho feta mme ho bobebe ho dumella baemedi hore ba etse qeto. Moemedi ke motho eo o mo kgethang hore a etse qeto kapa a nke bohato lebitsong la hao. Ha o na le moemedi, o kenela mokgwa wa ho nka qeto ka tsela e sa otlolohang.
Re kgetha batho bana jwang Ntlheng ya pele, re lokela ho botsa, Ke motho wa mofuta ofe kapa wa sehlopha se jwang seo ke se ratang le ho se tshepa ho ka emela ditlhoko tsa ka, dintho tseo ke di batlang, ditakatso le dintho tseo ke di labalabelang Ka morao ho moo re lokela ho itlhophisa le ho vouta bakeng sa baemedi. Ho vouta ke tsela ya ho hlahisa tlhoko, seo o se batlang, seo o se lakatsang le seo o se labalabelang?
Potso e hlahlamang ke, Re vouta jwang Tsela e latelwang ke efe Karabo e itshetlehile boholong ba sehlopha le hore ke baemedi ba palo e kae bao batho ba batlang ho ba kgetha. Haeba sehlopha se le senyenyane mme batho ba batla ho kgetha moemedi a le mong feela, ba ka etsa qeto ya ho hlahisa kgetho ya bona ka ho phahamisa matsoho a bona bakeng sa motho eo ba batlang ho mo kgetha?
Kareteng e hlahlamang re tla tadima ka botebo bo itseng, baemedi, ho etsa qeto le ho vouta. Dula o na le rona!
Mofuteng o tjena wa demokrasi, le palo e nyenyane haholo. Ha re tehe mohlala ka hore le babedi feela mme le batla ho etsa qeto, qeto e tshwanang le; Re ilo etsa jwang ka Moqebelo Qeto e le ama le le babedi mme le lokela hore le kene mokgweng wa ho etsa qeto. Ke ntlha ya bohlokwa ho ipha sebaka sa ho lekola menyetla ya boikgethelo bohle boo le nang le bona ka botebo. Batho hangata ba dula ba potlakile haholo, mme ba qetella ba entse ntho eo ba neng ba sa batle ho e etsa?
Mofuteng ona ho atisa ho ba le batho ba bangata ba hlokang ho kenela mosebetsi wa ho etsa qeto. Ho nolofatsa sena qeto e nkuwa ke baemedi ba kgethilweng lebitsong la bona. Sena ke sona se bitswang hore ke ho kenela ka tsela e sa otlolohang kapa demokrasi e sa otlolohang. Demokrasi e sa otlolohang e ka ba ya moo qeto e lokelang ho tjhaellwa monwana pele kapa ya boemedi.
Ho fihlela mona re ile ra tadima tsela e bonolo ya ho utlwisisa hore demokrasi ke eng. Re o bontshitse hore ditokelo tsa rona tsa botho di re dumella ho kenela mohato o itseng o sebedisetswang ho etsa diqeto. Re itse hape haeba o kenela mokgwa wa ho etsa qeto ka tsela e sa otlolohang, o sebedisa baemedi hore ba o etsetse qeto.
Ha o kgetha moemedi hore a o etsetse diqeto, o lokela hore pele o netefatse hore wena le moemedi wa hao le utlwisisa mofuta wa kamano eo le tla ba le yona ha mmoho. O lokela hore o botse dipotso tse itseng tse matla ka kamano, mme dipotso tsena di lokela ho arajwa phatlalatsa le ka botshepehi.
Wena ha mmoho le moemedi wa hao le lokela ho utlwisisa le ho dumellana ka hore ho tla etsahala eng haeba e mong wa lona a roba tshepiso kapa tumellano. O lokela ho tseba hore ho tla etsahala eng haeba moemedi a sa etse seo o mo kopang ho se etsa, kapa a sa etse seo ka tshwanelo. O ka rarolla ditaba tsena kaofela ka ho latela mehato e tsheletseng ya mohato wa ho fihlela qeto ka tsela ya demokrasi eo re buileng ka yona Kareteng ya 1.
Hobaneng re hloka boemedi?
Ha re boeleng re tadimeng mohopolo wa mantlha wa boemedi. Nahana o le motho a le mong hara ba bangata ba angwang ke qeto e lokelang ho etswa. O entse seo o lokelang ho se etsa ka ho dula o le malala-a-laotswe hore o tle o tsebe ho kena. O tseba seo o se hlokang, o se batlang, o nang le takatso ya sona kapa o se labalabelang.
Haeba kaofela ha lona le leka ho etsa qeto ha mmoho, e tla nka nako e telele. Mokgwa o latelwang e tla ba o lobokaneng, mohlomong moo ho tla tsoha le morusu. Ka hoo o hlokang O leka ho e nolofatsa. O leka ho kgetha motho kapa sehlopha se tla emela tlhokeho e ikgethang, dintho tseo o di batlang, tseo o di lakatsang kapa tseo o di labalabelang?
Boemedi bo amana le eng?
Jwale o lokela hore o nahane: O lokela ho tadima eng ho motho ya itseng kapa sehlopha se tla o emela Jwale, motho eo kapa sehlopha seo se tla tseba jwang seo o se hlokang le seo o se batlang hosane, bekeng e hlahlamang kapa selemong se tlang?
Mona, re kgona ho bona hore dintho tse itseng di lokela hore di etswe.
O lokela hore o kgone ho fumana motho kapa sehlopha se tla o emela.
Mahlakore ka bobedi (wena le moemedi) a tla lokela hore a dumellane ka mokgwa oo ditebello tsa mahlakore ana a mabedi di tlang ho kgotsofatswa ka ona.
O tla lokela hore o etse qeto ya hore o tla lekanya le ho hlahloba tshebetso ya motho kapa sehlopha seo o se kgethileng jwang.
Ka hoo o simolla ka ho nehelana ka matla ho moemedi wa hao hore a kgone ho etsa diqeto lebitsong la hao. Sena se bitswa matla a thomo. Empa le loketse hore le dumellane ka hore o tla tswela pele ho netefatsa hore moemedi wa hao o sebedisa matla a thomo ao o mo fileng ona hantle, ka tsela eo o lebeletseng hore a sebedise ka wona.
Hona ho bolela hore o lokela hore o tsebe ho hong ka mefuta e fapaneng ya boemedi. Re tla buwa ka mefuta e mmedi: demokrasi ya boemedi le eo qeto ya yona o tla dula o tjhaellwa monwana pele.
Re o fa matla a ho re etsetsa diqeto. Diqeto tsa hao di tla re ama ka tsela e otlolohileng empa re dumela hore o a tshepahala mme re tshepa hore o ke ke wa etsa diqeto tse tla re beha ka mosing. Re lebeletswe hore o rerisane le rona ka dinako tsohle ha o lokela ho etsa qeto tse tla re ama. Ha re sa kgotsofalla qeto tseo o di etsang lebitsong la rona re ka nna ra kgetha ho fana ka matla ana ho motho e mong?
Ntho ya bohlokwa ke efe matleng ana a thomo Ke hore boitshwaro ba moemedi ba letsatsi le leng le le leng bo hlakisitswe hantle. Demokrasing eo ho yona diqeto tse etswang di lokelang ho tjhaellwa monwana, baemedi ba sebetsa ka tsela e atamelaneng ho feta le batho ba emetsweng ha ho etswa diqeto tsa letsatsi le letsatsi?
Re o fa matla a ho re etsetsa diqeto. Diqeto tsa hao di tla re ama ka tsela e otlolohileng empa re dumela hore o a tshepahala mme re tshepa hore o ke ke wa etsa diqeto tse tla re beha ka mosing. Re lebeletswe hore o rerisane le rona ka morao ho dilemo tse pedi. Nakong eo, ha re sa kgotsofalla qeto tseo o di etsang lebitsong la rona re ka nna ra kgetha ho fana ka matla ana ho motho e mong?
Ketsahalong ena, batho ba emetsweng ha ba amane le diqeto tsa letsatsi le letsatsi tse nkuwang ka tsela ya ho itahlela ka setotswana ho tsona. Ketsahalong ena e ikgethileng matla a thomo a ntjafatswa ka morao ho dilemo tse ding le tse ding tse pedi. Empa nako e ka kgutsufala kapa ya lelefala ho latela ka moo mahlakore ana a mabedi a kgethang ka teng le ka moo ba labalabelang hore ho be ka teng.
Ke dintlha dife tse lokelang hore di kenyeletswe matleng a thomo?
Matla a thomo a mabedi ao o ileng wa tadima a bonolo haholo, empa bobedi ba ona a bontsha tlhompho ya tlhoko ya batho ya ho etsa qeto ya se lokelang ho etsahala ho bona le ho batho ba ditjhaba tsa bona.
Matla a thomo a lokela hore a bolele ka tsela e hlakileng hore ho tla etsahalang haeba dintho di sa tsamaye ka moo ho rerilweng ka teng.
Matla a thomo a lokela le ho hlalosa ka moo mahlakore a mabedi a tla netefatsa ka teng hore ditlhoko, tse batlwang, ditakatso le ditabatabelo tsa mahlakore ana a mabedi di a kgotsofatswa nakong e tlang, jwalo ka ha di ntse di fetoha mme di tswela pele. Ena ke pale e sa fihleng pheletsong! Empa e thehilwe hodima motheo o reng batho ba ka etsa qeto ka dintho tse etsahalang ho bona. Re na le boikarabelo ba ho tshireletsa tokelo ena.
Re tshepa hore jwale o se o tseba haholwanyane ka mefuta e fapaneng ya demokrasi le mefuta e fapaneng ya boemedi. Re tshepa le hore o utlwisisa hore demokrasi e bolela hore o lokela ho tseba se etsahalang lefatsheng la hao. Demokrasi ha e bolele feela ho vouta. E tshwanetse hore e bolele dintho tse fetang ho vouta feela.
Re hloka hore re hlokomele se etsahalang, re lekole seo baemedi ba rona ba se etsang.
Re lokela hore re be le boikarabelo ho tse etsahalang le hore re hlokomele hore baemedi ba rona ba kgona ho ikarabela ho tsona.
Ka morao ho nako re hloka ho lekola botjha matla a thomo ao re fanang ka ona ho baemedi ba rona, re nke qeto ya hore re tla ntjhafatsa matla ana a thomo kapa tjhe.
Na re entse hore o ke o nahane Tshwarella jwalo mme o emele mokgahlelo o mong o hlahlamang wa ditaba?
Jwalo ka ha o bone, ho rala mokgwa wa tsela ya demokrasi ya ho etsa diqeto ha se ntho e rarahaneng haholo. Empa ha o se o batla ho leka ho kenya tshebetsong mokgwa oo, ho na le dintho tse ngata haholo tse lokelang ho nkellwa hloohong. Ke mona moo ditaba di qalang ho ba mosenekeng!
Mohato wa 1: Ha o angwa ke qeto e ilo nkuwa, o tseba hore o hlokang, o batlang, ditakatso tsa hao ke dife le hore o labalabela eng.
Mohato wa 2: O na le boitlamo kapa boikarabelo ba ho buwa kapa ho hlahisa ditlhoko tsa hao, tseo o di batlang, ditakatso kapa ditabatabaelo tsa hao bathong ba bang bao le bona ba angwang ke diqeto tse tla etswa.
Mohato wa 3: Batho kaofela ba angwang ke qeto tsena ba lokela ho tadima le ho hlahloba ditlhoko, tseo ba di batlang, ditakatso le ditabatabelo tseo ba di hlahisitseng. Jwale le ka sebetsa mmoho ho lekola menyetla KAOFELA le boikarabelo.
Mohato wa 4: Jwale le ka etsa qeto ya seo le ilo se etsa. Ka mantswe a mang le etsa qeto ka tsela e tla latelwa ya tshebetso.
Mohato wa 5: Bohle le dumellana ka tsela e tla latelwa ya tshebetso. Le amohela tsela e tla latelwa ya tshebetso.
Mohato wa 6: Qetellong, le phethisa seo. Le etsa seo le dumellaneng ka sona.
Kgutlelang mohatong wa pele kgetlong le leng le le leng ha ditlhoko tsa lona, tseo le di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa lona di fetoha!
Mohato wa pele mokgweng wa tshebetso o utlwahala o le bonolo ho fihlela o emisa mme o leka ho nahana ka wona. Ithute hore o buisane le wena jwang e le hore o tle o tsebe hantle hore seo o se hlokang, o se batlang, o se lakatsang mme o se labalabelang se ka kgona ho etsahala. Empa bonyane ke wena feela. Nahana ka se etsahalang ha o fetile boemo ba hao o le mong. Mona ke ho hlwa thaba ya tonana?
Seo re se bolelang hantlentle ke taba e reng ha re batla hore demokrasi ya rona e sebetse, kaofela re hloka ho amohela hore re na le boikarabelo ba ho itaola. Mme re tla lokela hore jwale re sebetse ka boikarabelo bona.
Karolwana e nyenyane ka ho fetisisa ya sebopeho sa setjhaba ke motho a le mong. Nahana ka motho a le mong e le setene se le seng moahong wa motonana, o kopakopaneng. Setene sena se etsa patrone ya sebele ha mmoho le ditene tse ding mme qetellong re bona ho bopeha lebota. Ntle le lebota lena ho ke ke ha e ba le moaho. Ka mantswe a mang, re bolela hore motho a le mong ke karolo ya moaho wa setjhaba sefe kapa sefe.
Setjhaba se bopilwe ka eng hape ho feta mona Re tla leka ho arabela potso ena ka ho tadima pele karolwana tsa setjhaba. Tsona di bitswa dikarolwana tsa setjhaba?
Ha re teha mohlala, batho ka bo mong ba kopana mmoho mme ba fetohe balekane le dipara tsa metswalle. Ka morao ho moo ba etsa malapa mefuta e fapaneng ya malapa. Jwale ka morao ho moo malapa a etsa mekgatlo mme mekgatlo ena e bopa ditjhaba. Jwalo feela ntho ena e tswela pele ho fihlela re ba le dinaha kaofela ha mmoho le dikontinente! Empa tsohle di qala ka motho a le mong, mme haeba batho setjhabeng ba sa thaba, kapa ba sa tsebe boleng ba bona setshwantshong se seholo, lefatshe le tla fetoha sebaka sa batho ba sa thabang haholo?
Le ha re le batho ba ikemetseng re le bang, re dula re phela jwalo ka mmoka kapa sehlopha. O ile wa utlwela ka maele a reng, Ha ho motho ya ka itshehlang thajana a le mong. Hantlentle, ha ho na motho ya ka phelang a le mong. Ekasitana le ha o etsa dintho o le mong, o lokela hore o nkelle hloohong taba ya hore ho na le batho ba bang. O ka tlaila pina kapa wa kganna koloi ya hao ka lehlakoreng le fosahetseng la tsela ha o kgahlwa ke ho etsa jwalo. Empa o lokela ho lebella hore batho ba se ke ba dumella sena, mme o ka nna wa iphumana o kene bothateng ba ho hohlana le molao. Hona ho bolela hore batho ba dula e le karolo ya mmoka?
Ha re ke re emiseng re nahaneng ka mohato wa 2 mokgweng o lokelang ho kenngwa tshebetsong. O lokela ho hlahisa tseo o di hlokang, o di batlang, o di lakatsang kapa o di labalabelang. Jwale ka morao ho moo o tle ho mohato wa 3 le wa 4. Ke eng eo o lokelang hore o e utlwisise hore o tle o kgone ho feta mehatong ena ka katleho?
Mohlomong o ile wa lemoha hore ka dinako tse ding, ha o le sehlopheng mme o leka ho hlahisa maikutlo a hao (e leng ntho eo o e hlokang kapa o e batlang), ho thata ho hlahisa maikutlo a hao le wena. Mohlomong o tswile maemong a jwalo o ikutlwa hore wena ditaba tsa hao ha di a rarollwa. Jwale ho etsahala jwang moo ho leng tjena?
Ke mona moo re shebanang le dipolotiki ha mmoho le matla.
Batho boinosing ba bona ba na le matla. Ena ke polelo e bonolo haholo empa ke ya bohlokwa haholo. Motho e mong le e mong o na le matla. Re na le matla hobane re a phela, hobane re kgona ho kgetha le ka mabaka a mang a mangata. Jwalo ka motho ya itseng o ka kgetha ho tseparela matla ao o nang le ona. O ka kgetha ho fana ka matla a hao ho motho e mong kapa ho sehlopha sa batho. O ka ba fa matla a hao ho a sebedisa ho wena kapa ho a sebedisa le wena.
Ho bopa dihlopha tsa setjhaba kapa mmoka ke ntho e amanang haholo le taba ya ho iketsa kgokanyana-phiri ho bopa letsema le matla. Ha batho ba bokella ho hong, ba kopanya sohle seo ba nang le sona mmoho mme ba se sebedisa ha mmoho e le hore ba kgone ho fihlela sepheo se itseng. Hantlentle ke yona ntho eo batho ba e etsang ha ba kene lekgotleng la stokvel kapa mokgatlong o bolokang tjhelete ba kopanya tjhelete ya bona. Re etsa ntho ya mofuta ona ha re lemohile hore letshwele le beta poho eleng ho bolelang hore batho ba bangata ba matla ho feta?
Haeba re batla ho bokella matla a rona boinosing ba rona ha mmoho ka katleho, re lokela ho fumana batho ba bang ba seng ba ntse ba na le ditlhoko tse tshwanang le tsa rona, ba nang le dintho tseo ba di batlang jwalo ka rona, ditakatso le ditabatabelo tse tshwanang le tsa rona. Boikgethelo bo bong boo re nang le bona ke ho netefatsa hore batho ba bang ba batla le ho hloka jwalo ka rona. Bakeng sa hoo, o lokela hore o fetole ditlhoko tseo eleng tsa hao le tseo o di batlang, kapa o lokela ho kgodisa batho ba bang hore ba fetole ditlhoko le dintho tseo ba di batlang. Ena ke ntho e amohelehang e ka etswang demokrasing.
Ho na le tsela e nngwe. O ka leka ho hahatlella batho ba bang ho fetola ditlhoko tsa bona le dintho tseo ba di batlang. O ka ba tshosa, wa sebedisa taba ya ho ba tswa ka tlase le ho ba kenyetsa tshabo.
Le ha o ka kgetha mokgwa wa pele kapa wa bobedi, seo o se etsang ke ho theha selekane se bitswang lequlwana la matla. Sehlopha sa netball ke lequlwana la matla le thehilweng ka batho ba thahasellang netball. Mokgatlo wa basebetsi ke lequlwana la matla le thehilweng ka batho ba batlang ho rarolla ditaba tsa basebetsi mmoho. Mekga ya dipolotiki ke maqulwana a matla. Ditho tsa mokga wa dipolotki ka tlwaelo di na le maikutlo a tshwanang a itseng le metheo.
Tshebediso ya karolelano ya matla e bitswa dipolotiki?
Maqulwana a matla a ka hlahisa kgetho ya ona a ikentse kgokanyana-phiri. Ka mantswe a mang, a ka vouta a ipopile ngatana. A ka sebetsa ha mmoho ho fihlela sepheo sa ona ha mmoho. Rona batho ba Afrika Borwa re na le matla. Ho na le dintho tse ngata tse re bokanyang mmoho. Molao wa rona wa motheo o buwa ka e nngwe ya dintho tse re kopanyang mmoho. O re, Rona batho ba Afrika Borwa re dumela hore Afrika Borwa ke ya rona kaofela ba dulang ho yona, RE KOPANE ka ditjhaba tsa rona tse fapaneng.?
Maqulwana a matla a lokela ho etsa eng divoutung le dikgethong Mohlomong o se o ile wa utlwela batho ba re dikgetho ke motheo wa demokrasi. Hona ho bolelang hantlentle?
Re itse dikarolwana tsa setjhaba di bopilwe ka batho. Motho e mong le e mong bathong bana o na le ditlhoko le dintho tseo a di batlang. Ha ho na le batho ba bangata karolwaneng ya setjhaba, ba kena morerong wa ho etsa diqeto ka baemedi.
Re itse mohato o le mong wa mokgwa wa tshebetso ya demokrasi o amana le ho etsa qeto ya ka moo ho lokelang hore ho sebetswe ka teng. (Hona ho etsahala mohatong wa 4.) Batho ba lokela ho dumellana le ka mokgwa oo ba tla hlahisa kgetho ya bona ka ona. Ha o etsa qeto ya ho sebedisa moemedi ho etsa diqeto lebitsong la hao, o nehelana ka matla ao o nang le ona ho moemedi. Moemedi wa hao a ka sebedia matla ao, eleng a hao ntlheng ya pele, ho wena kapa le wena. Eo ke kgetho ya hao.
Ho na le dintho tse ngata tse amehang mona, mme o lokela ho di laola kaofela. Ho etsa jwalo, o hloka ditsela le mekgwa ya tshebetso.
Ha batho ba hlahisa kgetho ya bona ka diqeto tse tla ama batho ba bangata kapa tse tla ama karolo e kgolo ya setjhaba, ba hloka mekgwa ya ho kgetha e tla ba thusa ho laola tsela eo ba hlahisang kgetho ya bona ka teng.
Mohlala, le ka dumellana hore bohle ba tla amohela qeto e tshehetswang ke divoutu tse ngata ho feta. Hona ho bitswa hore ke mokgwa wa bongata, hobane qeto e etswa ke palo e ngata ya batho. Le batho ba voutetseng ntho e nngwe e fapaneng ba lokela ho amohela qeto e fihletsweng ke bongata ba batho. Haeba le ka dumellana ho etsa sena ka mokgwa o mong o fapaneng le oo, jwale mokgwa oo o bitswa mokgwa wa bonyenyane. O ka nna wa ba le mokgwa o mong wa tshebedisano (compromise system) moo qeto ya bongata e amohelwang, empa ditlhoko le dintho tse batlwang ke batho ba palo e nyenyane di tlang ho nkelwa hloohong le tsona.
Ha le kgetha moemedi, le ka dumellana le ka hore motho ya fumanang divoutu tse ngata ke yena mohlodi. Mokgwa ona o bitswa hore ke mohlodi o hapa tsohle kapa tsela ya, ya se nang sekaja mmae a tele. Sena nneteng ke mokgwa wa bongata. Motho ya fumanang divoutu tse ngata e ba yena moemedi mme o amohela matla a thomo a tswang bathong ba bangata?
Dihlopha tse ding kapa mmoka ha di rate mekgwa ena. Batho ba dihlopheng tsena ba lemoha hore hara bona ho na le ditlhoko tse ngata tse fapaneng le dintho tseo batho ba di batlang. Ba batla ho fumana tsela ya ho boloka ho fapafapana ha bona. Ba ka sebedisa mokgwa o bitswang hore ke boemedi ba papiso.
Moo ho leng tjena o lokela ho fumana pele hore o hloka baemedi ba palo e kae pele ba tla emela batho kaofela. O fumana hore ke batho ba palo e kae ba batlang ntho e itseng, ke ba palo e kae ba batlang ntho e nngwe, le hore ke batho ba palo e kae ba batlang ntho e nngwe e fapaneng, jwalo jwalo. O arola palo ya batho kaofela ka dihlopha tsena, mme o fumane boemedi ba sehlopha se seng le se seng bathong bao kaofela.
Jwale o bala hore sehlopha se seng le se seng se tla hloka baemedi ba palo e kae. Sehlopha se hlokang X se tla fumana 50% ya baemedi. Sehlopha se hlokang Y se tla fumana baemedi ba etsang 30%, mme sehlopha se batlang Z se tla fumana baemedi ba etsang 20% ho baemedi kaofela. Ka mantswe a nang, ba nang le tshehetso ya matla a maholo ho feta ba tla fumana boemedi bo boholohadi. Ba nang le tshehetso ya matla a manyenyane ho feta ba tla fumana baemedi ba palo e nyenyane.
Boemedi bona ba papiso ke mokgwa o kgothaletsang phapano.
Ha re a buwa ka melemo le mathata a mekgwa ena, empa re tshepa hore re hlalositse ho lekaneng hore o kgone ho bona bohlokwa ba kgetho ya motho e mong le e mong. Voutu ya hao ke ya bohlokwa! O ka etsa hore e be ya bohlokwa ka ho itahlela ka setotswana dikgethong.
Ha le dumellane ka mokgwa o itseng, le lokela ho kgetha hore ke mang ya tla o tsamaisa dintho molaodi. Le lokela ho hlophisa mekgwa e itseng?
Le lokela ho bala batho ba sehlopha se tla angwa ke qeto ena. Ke bo mang Ba fumaneha hokae O ba fumana jwang?
O hloka mekgwa ya tshebetso e tla dumella batho hore ba bolele hore ba a ameha.
Ho tshwanetse hore ho be le mekgwa e hlakisang hore ba tla bontsha kgetho ya bona jwang, hore o tla bala kgetho tsa bona jwang le hore o tla etsa qeto ka se bolelwang ke dipalo tsena ka tsela e jwang.
O hloka mekgwa ena ya tshebets hore o tle o kgone ho tsebisa batho hore sephetho ke sefe.
Afrika Borwa, dikgetho tsa naha, tsa provense le tsa selehae di tsamaiswa ke Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho IEC. IEC ke molaodi bathong bao le mekgeng ya dipolotiki e qothisanang lehlokwa dikgethong tsena. IEC e kenya tshebetsong mekgwa e itseng e tla thusa naha yohle ho ka kenela kgetho ya baemedi. IEC e ngodisa mekga ya dipolotiki mme e netefatsa hore mokga o mong le o mong o na le letshwao le fapaneng le matshwao a mekga e meng a tla etsa hore mekga e tsejwe ka ona. IEC e boetse e ngodisa batho ba batlang ho hlodisana dikgethong. Batho bana re ba bitsa bonkgetheng. IEC ha e etse qeto ka mokgwa wa ho kgetha. Ha mokgwa o se o le teng e laola tsela eo mokgwa ona o tla sebetsa ka wona?
Kareteng e hlahlamang le ya ho qetela re tla tadima mmuso wa selehae le hore demokrasi e sebetsa ka tsela jwang ho etsa hore bohle ba be le kabelo ho yona naheng ya Afrika Borwa. Mamella hore o utlwe ditaba tsa karolo ya qetelo!
Kareteng ena re tla shebana le Afrika Borwa jwalo ka karolo eo ho phelang setjhaba sa batho ho yona. Ka ho ikgetha, re tadima mmuso wa selehae ho la Afrika Borwa.
Afrika Borwa re arotse mmuso wa rona ka mahlakore a mararo mmuso wa naha, wa provense le wa selehae. Mahlakore ana a hokahane (tadima setshwantsho). Lehlakore ka leng le na le boikarabelo ba lona ha mmoho le mesebetsi ya lona. Boikarabelo bo itseng bo arolelanwa ke mmuso wa naha le mmuso wa provense, ha boikarabelo bo bong bo arolelanwa ke mmuso wa provense le wa selehae. Ho na le mesebetsi e arolelanwang ke mahlakore kaofela. Tokelo ya ho phela ke boikarabelo ba mahlakore ana ohle. Kamano dipakeng tsa mahlakore a mmuso e bitswa tshebedisano (intradependence). Ha ho na lehlakore leo e leng la bohlokwa ho feta le leng. Mahlakore ana a sebetsa mmoho ho netefatsa hore Afrika Borwa ke demokrasi e matla le e tlokomang. Kaofela bonngweng ba ona mahlakore ana a na le mosebetsi o ikgethang?
Demokrasi ya rona lehlakoreng la naha le la provense e na le boemedi bo anetseng. Re kgetha moemedi wa rona (ho o mong wa mekga ya dipolotiki) ho etsa qeto tse re amang. Re na le monyetla wa ho boela re sheba matla a thomo hape ka morao ho dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
Lehlakoreng la mmuso wa selehae, re na le demokrasi e fanang ka monyetla wa demokrasi e dumellang batho ho e kenela. Ho na le mekgwa e mengata e teng ho netefatsa hore baemedi mmusong wa selehae ba sebetsa le wena nakong ya ho etsa diqeto kaofela ha yona.. Seabo sa rona mosebetsing wa ho etsa diqeto se na le tshusumetso ya hore re thulana le bophelo ba rona ka tsela e jwang.
Re na le batho ba ka bang 45 million ba dulang Afrika Borwa. Re ke ke ra kgona ho kenya letsoho ka ho otloloha kaofela ha ho nkuwa diqeto boemong ba naha kapa boemong ba provense. Mahlakoreng ana a mmuso, boikgethelo bo molemo ho rona ke ho kenya letsoho ka baemedi. Lehlakoreng la mmuso demokrasi ya rona e dumella batho ba bangata ho ba le seabo. Empa ke hobaneng o lokela ho ba le seabo mmusong wa selehae Hobaneng o lokela ho tsotella sena?
Mmuso wa selehae o na le boikarabelo ba hore setjhaba sa selehae se sebeletswe. Hona ho bolela hore mmuso wa selehae o lokela ho netefatsa hore batho ba selehae ba fumana ditshebeletso tsa mantlha.
Mmuso wa selehae o thehilwe ka bomasepala. Masepala o tsamaiswa ke lekgotla kapa khansele. Dikhansele di bopilwe ka ditho tse kgethilweng tsa khansele (dikhanselara) mme bahlanka ba kopana ho tshohla taba ya ho sebeletsa batho ba sebaka sena. Dikhaselara di etsa maano le meralo ya hore ho tle ho sebeletswe setjhaba sa moo. Bahlanka ba lokela ho sebeletsa batho. Ho na le mefuta e mengata e fapafapaneng ya bahlanka. E ka ba baoki ba tliniking, diakhaontente, bangodi, ditlereke, batho ba thothang matlakala jwalo jwalo. Dikhanselara di a kgethwa (ke baemedi ba batho). Bahlanka ba sebeletsa khansele. Ba fuwa mosebetsi jwalo ka mosebetsi e mong le e mong.
Ditshebeletso tsa mantlha tseo mebuso ya selehae e lokelang ho fana ka tsona ke dife?
Ha o nahana ka tshebeletso e nngwe le e nngwe ho tsena, o tla lemoha hore sepheo sa mmuso wa selehae ke ho fana ka ditshebeletso tseo re di hlokang bohle hore re phele hantle re dule re thabile.
Hobane re ke ke ra kgona ho ba le seabo ka tsela e otlolohileng ha ho etswa diqeto tse re amang, re kgetha baemedi ho re etsetsa mosebetsi ona mahlakoreng a mmuso kaofela. Pusong ya selehae, baemedi ba rona ke batho bao re ba bitsang dikhanselara. Batho bao le bahlanka ba masepala ba sebetsa le rona ho ka kgotsofatsa ditlhoko tsa rona tsa mantlha.
Kutlwisiso Afrika Borwa ke hore mmuso wa selehae o sebedisa demokrasi e dumellang bohle ho ba le seabo. O ka utlwisisa hore ke hobaneng: Puso ya selehae e na le boikarabelo ba ditaba tse re amang letsatsi le leng le le leng. Re re ditaba tsena ke tsa tse yang ka mpeng.
Di sebetsa jwang Nahana ka dikarolo tsa batho ba bopang masepala: ke motho a le mong, dipara kapa balekane, malapa, mekgatlo le ditjhaba. Ditjhaba di hlophisitswe ka masaka kapa diwate (wards), mme ho la Afrika Borwa re na le diwate tse bokantsweng mmoho ho bopa ditereke. Metse e meholo haholo e bitswa Bomasepala ba Metropolitan. Mona ho na le diwate tsa palo e kgolo, empa ha ba na ditereke?
O kenya letsoho jwang mmusong wa selehae?
Batho ba bang ba dulang Afrika Borwa ba na le tokelo ya ho vouta mme ba bang ha ba na tokelo e jwalo. Ha o vouta, o ba le seabo mmusong, empa le ha o sa voute, o ka nna wa kenya letsoho. Sena se bolela hore haeba o sa voute o ntse o na le boikarabelo ba ho netefatsa hore bao ba kgonang ho vouta ba tseba ditlhoko tsa hao, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa hao. Ntlha ena ke ya bohlokwa hobane kgetho tseo ba di etsang di tla o ama le wena. Ka hoo o lokela ho fumana tsela ya ho netefatsa hore ditlhoko le dintho tseo o di batlang di nkellwa hloohong. O lokela le ho hlokomela hore tikoloho naheng ena kaofela e dumella bohle ho hlahisa maikutlo a bona ka bolokolohi.
Demokrasi ha e kgaotse ha batho ba qeta ho vouta. Re lokela ho dula re etsa qeto tsa hore ditlhoko tsa rona ke dife le ho bona hore di a kgotsofatswa. Mmusong wa selehae, mohopolo wa bona wa demokrasi e kenyeletsang batho ke hore o ka ba le seabo nakong eo ho etswang qeto ya hore ho tla etswa eng, hokae le ka tsela e jwang.
Na o etsa seo Kapa o nehelane ka matla ao o nang le wona ho motho e mong eo o sa mo tsebeng le ho mo tseba Ha o entse jwalo, re tshepa hore lethathama lena la meqoqo le o kgothaleditse ho nahana ka diketso tsa hao le sephetho sa diketso tsa hao?
Ha o vouta, o etsa letshwao la hao. O etsa hore lentswe la hao le balellwe! Voutu ya hao e nehelana ka matla a thomo ho moemedi wa mokga hore a kgone ho etsa diqeto ditabeng tsa bohlokwa.
O ka etsa jwang hore o be le seabo?
Ngodisa jwalo ka motho ya tla vouta. Etsa bonnete ba hore lebitso la hao le teng Lenaneng la Bakgethi. Ona ke motjha wa ho ba le seabo mekgweng ya ho etsa diqeto tse amang bophelo ba hao hona jwale le nakong e tlang.
Ditlwaelo tseo re bang le tsona bonyenyaneng ba rona di tsamaya le rona ho fihlela re fetoha batho ba baholo. Ngodisa o voute hona jwale mme o be le bonnete ba hore kamoso, ha o se o le motho e moholo, Afrika Borwa e tla ba le demokrasi e tsitsitseng ho feta.
Ha o dutse o fadimehile, o phahametse mapoqo mme o kentse letsoho ha dintho di etsahala, o na le tokelo ya ho botsa: Ke ne ke le kae ha qeto eo e etswa?
Kgothalla ho etsa ho itseng!
Ke lebohela nako eo o ileng wa re fa yona! Afrika Bowa le wena ke ya hao! Etsa dintho jwalo ka ha o tseba taba eo!
<fn>sot_Article_National Language Services_TAOLO LE BOHLOKOMEDI.txt</fn>
Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho wa nomoro ya 38 wa 1927, karolo ya 11 (b): Mosadi e mong le e mong ya nyetsweng ho latela molao wa setso (ntle le mosadi wa KZN) o dula a nkuwa a le ka tlase ho dilemo tsa boikemelo ka dinako tsohle.
Boemo ba mosadi bo lekana le ba ngwana ya ka tlase ho dilemo.
Mosadi o hloka matla a bohlokomedi ba ngwana wa hae hobane ka boyena o tlasa tlhokomelo ya monna wa hae.
A ke ke a etsa ditumellano tsa molao ntle le thuso ya monna wa hae kapa ya ntate wa hae.
Ha se moetsi ya nang le ditokelo empa ke moetsuwa feela.
Ho latela Molao wa Setso tlhokomelo ke tokelo ya boetsi e fetisetswang ho monna le lelapa la hae ke lenyalo.
Hona ho bolela hore ha monna a se a ntshitse bohadi bakeng sa mosadi wa hae, yena le ba lelapa la hae ba fumana ditokelo tsa botswadi ba bana ba tla hlaha lenyalong lena.
Bohlokomedi ba bana ba hlahileng lenyalong lena bo matleng a monna bakeng sa Mme le ba lelapa la hae.
Ha mosadi ya neng a sa nyalwa a nyalwa bohlokomedi ba bana ba mosadi enwa ya neng a hloka monna ha mmoho le bana bo fetisetswa ho monna wa hae le ba lelapa la habo.
Ho latela Molao wa Setso ha ho na bana ba hlokang ntate wa bona, hobane ngwana o tla dula ka dinako tsohle a na le ya ikarabellang ho yena ka dinako tsohle, mohlomong a ikarabella ho batho ha habo Mme wa hae ho latela maele a Setswana a reng: Ngwana wa dikgora ke wa ga mmaagwe(pele ho lenyalo) kapa o tla ba taolong ya ba habo ntate wa hae ho latela maele a reng: Kgomo e hatjwa le namane ya yona o ke ke wa siya namane morao ntle ho tlhokomelo ha o hapa kgomo?
Ho hlokeha hore ho hlakiswe mofuta wa lenyalo leo mosadi e kenang ho lona.
Bana ba hlahetseng lenyalong: Ke bana ba monna wa mosadi ha mmoho le ba lelapa la habo monna eo ho sa natswe hore ke ba madi a monna eo kapa jwang.
Ho lebeletswe hore monna wa Mme wa bana a amohele bana ba jwalo e le ba hae mme a phethise boitlamo bohle ba botswadi le ho sebeletsa bana bao ka moo ho tshwanetseng ka teng.
Ho hlokahala ha monna ha ho fedise kamano ya lenyalo.
Tlasa molao wa setso wa Ho kenela, lenyalo le ntseng le le teng le ntshetswa pele ke mohlolohadi le monna ya nkelang monna wa hae ya hlokahetseng sebaka.
Mohlolohadi le bana ba hae ba behwa tlhokomelong ya mohlahlami wa monna wa hae ya seng a hlokahetse. Mokenedi ka tlwaelo ke e mong wa ba lelapa la habo monna ya hlokahetseng.
Ba habo monna ya seng a hlokahetse ba amohela boikarabelo ba tlhokomelo ya mohlolohadi ka nako yohle ha feela a ntse a phela, le ho hlokomela hore ho na le Ntate wa bana ba bongata boo mosadi enwa a tla bo kgona le monna eo a mo abetsweng.
Bana ba hlahang mona ho mohlolohadi enwa le mokenedi wa hae ba nkuwa e le bana ba mofu.
Ekasitana le moo setso sa bokenedi se behetsweng ka thoko teng, ha mohlolohadi a ka ba le bana, ha ho natswe kamano ya madi le ntate kapa boitsebiso ba hae, bana ka dinako tsohle ba nkuwa e le ba monna wa mosadi enwa ya seng a hlokahetse mme ke ba leloko la habo monna enwa.
Melao e mengata ya setso ha e dumelle mosadi ho boela a nyalwa hape ha ntse a phela tlasa tlhokomelo ya leloko la habo monna eo e neng e le wa hae. O lokela hore a boele habo eleng lapeng la Ntate wa hae haeba a batla ho nyalwa hape.
Nakong eo a boelang a nyalwa hape, ngwana e mong le e mong ya tla belehwa ke mosadi enwa ya hladileng le monna wa hae wa bobedi e tla ba monna enwa wa bobedi, ke ngwana wa bona mme o wela lelapeng la habo monna enwa wa bobedi. Monna enwa wa bobedi ke mohlokomedi wa bana ba jwalo.
Mosadi ya hladileng mme a kene lenyalong la hae la bobedi a ka nna a kopuwa ke monna wa hae wa bobedi hore a tle le bana ba hae lenyalong lena (ho bolelang hore bana bao a ileng a ba le bona nakong eo a neng a le tlhokomelong ya Ntate wa hae ka morao hoba a boele hae ha a e tswa lenyalong la hae la pele), mme maemong a jwalo monna o amohela boikarabelo ba ho hapa kgomo le manamane a yona lenyalong lena.
Dipallo tsa karolo ya 11 (b) tsa Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho di tla laola boemo ba ditaba mosadi o tla dula a nkuwa jwalo ka ngwana e monyenyane ya hlokang boikarabelo mme monna wa hae e tla ba mohlokomedi wa hae. Sephetho sa karolo ena e tla ba se latelang: Basadi ba batho ba batsho ba sa nyalwang ke batho ba baholo ba nang le boikarabelo ditabeng tsa bona, mme basadi ba batho ba batsho ba nyetsweng ka lenyalo la ha khomishenara le bona ke batho ba baholo ba nang le boikarabelo ditabeng tsa bona, empa basadi ba batho ba batsho kaofela ba ka tlase ho dilemo tse mashome a mabedi o motso o mong kapa ba nyetsweng ho latela lenyalo la setso, ba tla dula ba nkwa jwalo ka batho ba ka tlase ho dilemo mme ba hloka boikarabelo ditabeng tsa bona?
Basadi ba batho ba nyetsweng ho latela molao wa setso ba hlokiswa boemo ba bongata bo tlang ka lebaka la lenyalo kapa ekasitana le ha ba fihla dilemong tse 21 ho latela Molao wa Dilemo wa Bongata.
Boemo bona bo hanela basadi bana bokgoni ba ho kena ditumellanong tsa molao ka bobona le boemong ba bana ba bona.
Ka hona, Molao wa setso wa Ma-Afrika o hloleha ho tiisetsa basadi ba Ma-Afrika boemo ba tekano le tshwaro ya molao jwalo ka ha o fuperwe ke Molao wa Motheo.
Basadi ba batho ba batsho ba ke ke ba fetoha dihlooho tsa malapa a bona le ho fetoha bahlokomedi ba bana bao eleng ba bona hobane ba tadingwa jwalo ka bana ba ka tlase ho dilemo.
Ka hoo karolo ena e kgothaletsa kgethollo ya basadi ho latela taba ya botona le botshehadi kapa bong mme ka hoo, e hohlana le Molao wa Motheo.
Karolo ena e matlafaditse motheo wa tsela ya dintho hore di etswa ke banna mme e fa banna matla le taolo ya bophelo le theepa ya basadi ba bona.
Monna o nkwa e le ntate wa bana bao ba jwalo mme a ke ke a iphapanya boteng ba bona. Ho latela maemo a kemolo le tswalo ya bona, ba ke ke ba bonahala le ho kgethollwa baneng ba lenyalo ka tsela e bonolo.
Monna ke mohlokomedi ebile ke yena ya nang le matla a taolo, o tlamehile ho amohela bana bana kaofela ha mmoho le bana ba hlahetseng lenyalong. Ke ditho tsa sehlopha sa lelapa la hae. (Setswana: Ngwana wa dikgora). Bo-Ntate ba bana bana ba madi ha ba na tokelo ho bona.
Tlasa mokgahlelo o tshwanang le ona oo ho tla wela le bana bao Mme wa bona a ileng a kenelwa.
Molao wa Setso ka kutlwisiso ena o nyallana le karolo ya 8 ya Molao wa Motheo mme ha o kgetholle bana ho latela moo ba tswang teng kapa tswalo ya bona.
Ke bana ba welang lelapeng la habo Mme wa bona.
Ha mmabona a ka nyalwa, yena ha mmoho le monna wa hae ba fetoha bahlokomedi ba bana bao. Monna o fumana matla a botswadi baneng bana ho latela maele a reng : Kgomo e hatjwa le namane. Ho ke ke ha hlola ho ba le phapano dipakeng tsa bana bao le bana ba lenyalong. Ka hoo ha ho na kgethollo hape dipakeng tsa bana jwalo ka Molao wa Molao wa Motheo o tsepamisitse?
Ha karohano e fihla bana ka tlwaelo ba tla dula e le ba lelapa la habo Ntate wa bona.
Ha mosadi a siya ba lelapa la habo monna wa hae a ke ke a tsamaya le bana ba hae.
Haeba a batla ho lwantsha boemo bona ba ditaba, jwale yena le mohlokomedi wa hae ba ka nka mohato o kgahlano le monna wa hae mme ba supa hore ha se motho ya loketseng, le hore ha a nepahala hore a ka fuwa taolo ya bana. Hona ho bolela hore ka dinako tsohle ho dula ho na le kgopolelo ya hore monna wa hae le ba lelapa la hae ke bona ba lokelang ho fumana tlhokomelo nakong ya karohano. Ba na le tokelo e bopeletsweng ya tokelo ya tlhokomelo ya bana.
Maemong a mang moo bana ba tla tlohelwa tlhokomelong ya Mme wa bona, ke moo ba sa ntsane ba anya. (ba le letsweleng). Ona ke o mong wa mehlala ya moo tabatabelo e molemong wa bana e tla nkellwa hloohong ho feta ditokelong tse bopeletsweng tsa Ntata tse mabapi le taolo ya bana.
Makgotla a Setso ka lebaka lena a fane ka tokelo e bopeletsweng ya taolo ya tlhokomelo ya bana nakong ya karohano mme ho tla tswa feela ho motho ofe kapa ofe ya qhelang sena hore a bontshe hore ho ke ke ha ba molemong wa ditabatabelo tsa bana haeba Ntata bana a ne a ka abelwa taolo ya tlhokomelo ya bana.
Bana ba banyenyane ba sa ntsaneng ba nyanya ba tla fuwa mmabona, ka kutlwisiso ya hore ha ba se ba hodile ba tla kgutlisetswa ho ntatabona. Bana ba ka bobona ha ba na kgetho mabapi le motswadi eo ba neng ba tla rata ho dula le yena.
Dintlheng tse ding le ha ho le jwalo ho ile ha tadingwa tshwaneleho ya motswadi ofe kapa ofe tabeng ya ho ka hlokomela ditabatabelo tse molemong wa ngwana.
Molao wa Setso, ka tsela ena, o na le ditemana tse nyallanang le Molao wa Motheo le Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso. Ditemana tse ding, le ha ho le jwalo, di hohlana le dipallo tsa Molao wa Motheo mme ho ntse ho na le ho se kgeme ho teng mabapi le molao wa motheo dintlheng tse ding. Ditemana tsena ke tsona tse lokelang ho shejwa ka matla a maholo makgotleng a dinyewe. Lebaka la mantlha ke hore karolo ya 11 (b) ka boyona e fedisitswe mme ka hoo, tlhokeho ya tekano kae kapa kae boemong ba banna le ba basadi e ke ke ya tswela pele ho ba teng ntle le motheo.
<fn>sot_Article_National Language Services_TATAISO YA MOKUDI BAK.txt</fn>
Setrouku se hlaha ha mothapo wa madi o fepelang oksejene le diotlammele bokong o sitiseha mme boko bo lemala.
Dikarolo tse fapaneng tsa boko di laola mesebetsi e fapaneng ya mmele jwalo ka motsamao, puo, kutlo le pono. Temalo dikarolong tsena e tla ama mesebetsi eo di e laolang. Kgolofalo ya dikarolo tsa mmele, kapa mathata a puo, ke ntho tse tlwaelehileng ka mora setrouku empa batho ba bangata ba hlaphohelwa hantle hobane dikarolo tse ding tsa boko di nkela mosebetsi ho tsona.
Ha motho a ntse a hola le monyetla wa kotsi ya ho ka tshwarwa ke strouku o a eketseha.
Banna ba monyetleng o moholwane wa kotsi ya ho ka tshwarwa ke strouku ho feta basadi.
Monyetla wa kotsi ya hore motho a tshwarwe ke setrouku o moholwane haeba setho sa lelapa se na le mafu afe kapa afe a methapo, lefu la tswekere, kgatello e hodimo ya madi, seterouku kapa lefu la methapo e isangng madi pelong.
Haepathenshene ke lefu le thotseng le bolayang. Kgatello ya madi e tshwanetse ho lekangwa kgafetsa.
Ntlha e ka qojwang e bea motho kotsing ya ho ka tshwarwa ke strouku, ditlhaselo tsa pelo hammoho le tlhaselo ya nakwana phepelong ya madi (Transient Ischemic Attack TIA). Tlohela ho tsuba?
Ntlha e kgolohadi e beang motho kotsing ya ho ka tshwarwa ke lefu la pelo, eo ka tlwaelo e bakang setrouku sa methapo e thibuweng ke mahlwele.
Taolo e lokileng ya lefu la tswekere ka phepo e ntle/boikwetliso le/kapa meriana ke ya bohlokwa haholo.
Taolo e lokileng ya kholesterole e hodimo ka phepo ya dijo tse nang le kholesterole e tlase le/kapa meriana ke ya bohlokwa haholo.
Ateraetisi ya disele tse kgolo, ho utlwela ho dithethefatsi, bokgoba ba sethethefatsi sa khokheine, tshwaetso mmoho le lefu le tshwaetsang la methapo (lefuba, mokaola, AIDS).
Bakudi ba nonneng ho feta tekano ba monyetleng o moholwane wa ho tshwarwa ke lefu la tswekere le kgatello e hodimo ya madi. Eja dijo tse tletseng bophelo bo botle, dula o tletse bophelo bo botle.
Ho nwa ho feta tekano ka ho sa kgaotseng ho bontshitswe ho baka setrouku. Fokotsa tahi eo o e nwang.
Ho fokola, ho shwa bohatsu kapa ho tsitsipana ha sefahleho le sephaka kapa leoto lehlakoreng le le leng kapa a le mabedi a mmele.
Pono e lerotho kapa e fokolang ka tshohanyetso kapa leihlong le le leng kapa a le mabedi. Ho qala ka tshohanyetso ha ho bona dintho habedi.
Bothata ba ho bua kapa ho utlwisisa.
Ho ba le modikadikwane, tahlehelo ya botsitso ba mmele kapa ho wa kapa ho thekesela hofe kapa hofe ho sa hlaloseheng.
PALOYOHLE YA SEPHETHO (Basadi)?
Sephetho: dintlha tse 0-4 = Kotsi e Tlase, dintlha tse 5-10 = Kotsi e Mahareng, dintlha tse 11 le ho feta = Kotsi e Hodimo.
Hlokomela: Sephetho sa hao e mpa e le tekanyo feela ya kotsi eo o ka bang ho yona papisong le ba bang setjhabeng.
PALOYOHLE YA SEPHETHO (Banna)?
Sephetho: dintlha tse 0-4 = Kotsi e Tlase, dintlha tse 5-10 = Kotsi e Mahareng, dintlha tse 11 le ho feta = Kotsi e Hodimo.
Hlokomela: Sephetho sa hao e mpa e le tekanyo feela ya kotsi eo o ka bang ho yona papisong le ba bang setjhabeng.
<fn>sot_Article_National Language Services_TATAISO YA MORALO O K.txt</fn>
Mmuso wa selehae ke karolo ya bohlokwa e nang le seabo ntshetsopeleng ya Afrika-Borwa. Mokgwatshebetso wa diphetoho tse etswang mabapi le ho thehwa ha bomasepala ba matlafetseng, ba hlokang kgethollo ya morabe, ke leano la bohlokwa bakeng la ho thusa mmuso wa selehae hore o fihlelle seabo sa ona ntshetsopeleng.
ho fana ka sebopeho sa leano le hlakileng hape le nang le tshusumetso ka ho sebedisa White Paper?
ho fana ka moralo o motjha mabapi le mmuso wa selehae bakeng la ho thehwa ha Molao wa Dibopeho tsa bomasepala mmoho le Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala.
Ka mora dikgetho tsa mebuso ya selehae tse neng di tshwerwe ka la 5 Tshitwe 2000, mebuso ya nakwana ya selehae e ile ya fihla pheletsong, mme mebuso e metjha ya qala ka sebetsa e ikemetse ka boyona.
Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele ke e tse ding tsa disebediswa tseo mmuso wa selehae o ka rarollang seabo se setjha sa ona sa ntshetsopele. Ha ho tadingwa tsela eo mmuso wa selehae o neng o sebetsa ka yona nakong e fetileng, ho fapana le ka moo moralo o kopantsweng wa ntshetsopele o sebetsang ka teng kajeno bolaoding ba bomasepala, mme sena se etswa e le karolo ya hlohlomiso e kopantsweng, mme e le mabapi le morero wa ho fana ka ditshebeletso setjhabeng. Mokgwatshebetso bakeng la Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele o ka kgona ho fihlela diqeto bakeng la ntlha tse kang ditekanyetso tsa bomasepala, taolo ya mobu, ntshetsopele ya moruo wa selehae, mme sena se ka etswa ka tsela e otlolohileng e se nang dikgetshe. Moralo o Kopantsweng wa ntshetsopele, o lokela ho tataisa ditshebetso tsohle tse tswang mafapheng a mang a mmuso, a poraefete a fanang ka ditshebetso, Mekgatlo e seng ya Mmuso mmoho le mekgatlo ya poraefete e ka hara sedika sa masepala.
Nakong e fetileng ho fumaneha hore makgotla a selehae a nakwana a ne a se a lokisetsa ho kenya tshebetsong Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Sena se ne se etsahala tlasa maemo a sa jeseng ditheohelang. Nakong eo moralo wa semolao o ne o eso kengwe tshebetsong. Makgotla a selehae a mangata a ne a se na matla a ho laola ditshebelletso tse jwalo. Ho ne se ho se na tsela e lokileng ya tshebetso mmoho le lenaneo le lotomaneng la kwetliso. Le ha ho le jwalo, bao ba neng ba sebetsana le moralo o kopaneng wa ntshetsopele ya nako e fetileng, ba iphumane ba ithutile tsa bohlokwa, mme makgotla a selehae a mmalwa ha jwale a se a entse tswelopele e bonahalang bakeng la ho thehwa ha maano a tshebetso a tla thusa ho ntlafatsa ho kengwa tshebetsong ha diprojeke le mananeo.
Bukana ena ya Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele, e ile ya ntlafatswa le ho ntshetswa pele ke DLPG ka tshehetso ya GTZ, mme yona e fana ka moralo o fetileng dihlahlobong tse itseng mmoho le mokgwa wa ho kengwa tshebetsong, tseo bobedi di kgonehang ho ka utlwisiseha. Sena se kenyelletsa dithuto tseo ho ithutilweng tsona mekgweng e fetileng ya MKN.
Ha jwale ho teng lenaneo la kwetliso naheng ka bophara bakeng la balaodi ba masepala, bahlanka ba tsa tekgeniki, bakhanselara mmoho le bahlanka ba profeshene tse ikgethang tse thusang bao ba nang le seabo ho bomasepala kaofela.
Mokgwatshebetso wa naha ka bophara bakeng la bomasepala ba selehae (PIMSS) oo e leng ona mokokotlo wa ditaba, o ntse o seka-sekwa ho ka thehwa boemong ba dikopano tsa didika.
Palo e kgolo ya bomasepala , SALGA, mafapha a diprovense a mmuso wa selehae mmoho le mafapha a fumanehang naheng ka bophara, kaofela ha tsona di nkile seabo bakeng la hore bukana ena e ntjha e be teng. Ka hona, ke na le tshepo e tiileng ya hore diphatlalatso tsena di tla tswela batho molemo, di ba fe morolo haholo bao ba amanang le mokgwatshebetso wa MKN. Maikemisetso ke ho etsa hore MKN e be sesebediswa se tla rarollang ditlhoko tsa kahisano le moruo ka hara setjhaba sa rona.
E fana ka selelekela/kamohelo ka hare ho MKN (Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele) mmoho le kgutsufatso a kgutshwane ya Bukana ya Tataiso ya MKN.
E fana ka tataiso bakeng la maikemisetso, tse ka hare, mmoho le mekgwatshebetso ya Moralo wa Kopanelo wa Ntshetsopele. Tataiso, ntle le hore e toloke Molao wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala, e tswela pele mabapi le ditlhoko jwalo ka ha di hlaha ka hare ho Molao ona.
E fana ka thuso mabapi le ho rala mokgwa wa tshebetso. E hatella hodima tlhakiso ya boikarabelo ka hara mokgatlo mmoho le ho ikamahanya le mekgwa ya tshebetso mehatong e fapaneng.
se batlwang (eng) le mokgwatshebetso o kgothalletswang (jwang) mmoho le ntlha tsa mokgatlo (mang?
E fana ka dikgetho tse fapaneng bakeng la mawa a ka sebediswang mabapi le ho rala diketsahalo tse ka akanyang hore na ke sesebediswa sefe se ka sebediswang.
E fana ka tataiso mabapi le ho amanya tse sa angweng ke MKN le leano la kakaretso kapa ka moo maano a makala a itseng a ka amangwang le mekgwa ya tshebetso ya MKN.
Ho kengwa tshebetsong ha disebediswa tse reretsweng taolo.
Se lokelang ho lokiswa ke eng?
Ditlhoko tsa semolao mabapi le Ho lokisetsa mokgwatshebetso wa MKN.
Ditokomane tse hlokahalang: Leano la mokgwatshebetso wa moralo mmoho le sebopeho.
Mokgwatshebetso mabapi le Ditokisetso.
Tataiso eo tokomane ena e fanang ka yona.
Tataiso ya II e thusa bolaodi ba masepala ho fihlela boitokiso ba ona ba mosebetsi bakeng la mokgwatshebetso wa MKN. Mona ho hlaloswa hore ho ralwa ho itseng bakeng la ho lokelang ho ralwa.
mabaka a makgutshwane bakeng la mokgwatshebetso bakeng la ditokisetso, mme mona ho hlaloswa se lokelang ho lokiswa le hobaneng ho etswa sena 1.
ho hlahiswa le ho tolokwa ha dilhoko tsa semmuso bakeng la boitokiso 1.
kgutsufatso ya ditokomane (le tse ka hare tsa tsona) tse lokelang ho bokelletswa bakeng la mokgwatshebetso o mabapi le ditokisetso (1.
tataiso ka kakaretso mabapi le ka moo mokgwatshebetso wa ditokisetso o tla latelwa ka teng (1.4).
ho hlahlojwa hape ha ha tse ka hare tsa tataiso (Tataiso II) ena, e halosang ka moo e tla o tataisang ka teng le ho o bontsha hore na dikgato tse fapaneng tsa boitokiso mmoho le mesebetsi di fihlellwa jwang.
Bakeng la ho kgwaritsa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele (MKN) ho ka nka bonyane dikgwedi tse robong hobane ho hlokahala banka-seabo ba bangata, ke hore, ba ka hara masepala le ba ka ntle ho masepala. Mokgwa ona o batla hore dihlophiso di etswe ka tsela e tswileng matsoho.
ho arolelanwa ha dikarolo le boikarabelo ho lokela ho hlakiswa nako e sa le teng, mme lefapha la ka hare le amanang le ditabatabelo tsa basebetsi le lokela hore le ikarabelle ka tshwanelo.
Dihlophiso tsa mokgatlo di lokela ho thehwa, mme diqeto mabapi le botho ba dihlopha, dikomiti kapa diforamo di lokela ho etswa.
Lenaneo le lokela ho etswa, mme yona e tla hlalosa mesebetsi/dintlha tse lokelwang ho ralwa, nako ya tshebetso, mme le ditlhoko tse amanang le mokgwa ona wa tshebetso. Lenaneo le jwalo ya mokgwatshebetso ke ya bohlokwa bakeng la ho tsamaya motjheng le ho kopana ka nako tsohle le banka-seabo (haholo pakeng tsa masepala wa sedika le wa selehae).
Ho lokela hore ho tsepamiswe maikutlo bakeng la qeto e mabapi le metjha e lokelang bakeng la ho nka karolo ha setjhaba mmoho le bohle ba nang le seabo nakong eo ho ralwang mokgwa wa tshebetso. Ke bo mang ba lokelang ho nka seabo, ba lokelang hore ho uwe ho bona, le ho bolellwa mabapi le dikgato tsa mokgwatshebetso Sena se lokela ho qetwa nako e sa le teng bakeng la ho tsebisa batho ka nako le ho arola tse ditlhoko tse tla hlokahala nako e sa le teng?
Sena ke nnete mabapi le metjha mmoho le ditsela tse latelwang bakeng la boikamahanyo le ba nang le seabo ba ka ntle ba kang bomasepala ba bang, didika, mmoho le mafapha a mang a mmuso.
Ho lokelwa hore ho etswe bonnete ka hohle-hohle hore ditokomane tsohle tse hlokehang mabapi le mokgwatshebetso, di a tsejwa ebile di ka fumaneha. Sena se etsahala haholo ditokomaneng tsa semolao tse kang tokomane tsa tataiso, diralwa/polane mmoho le mawa a hlahang mmusong wa provense le wa naha, ho sa qhelelwe thoko bafani ba ditshebeletso ba dikhampane.
Ho ikamahantswe le ditokiso tsena kaofela, tekanyo ya ditshenyehelo e lokela ho etswa bakeng la mokgwa ohle wa tshebetso o mabapi le moralo o etswang.
Mosebetsio wa ho lokisa mabapi le MKN (Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele) , o matsohong a bolaodi ba masepala. Motjha wa boitokiso o lokela ho ba le seabo ditokisetsong ba masepala bakeng la MKN. Ha ho motho ya tla nka qeto efe kapa efe ntle feela le masepala. Tataiso ya II e lokela ho thusa molaodi wa masepala hore a kgone ho etsa boitokiso ba hae ka tsela e tla bang bonolo ebile e lotomantswe ho latela molao.
Hore ho etswe bonnete mabapi le boemo ba mokgwatshebetso wa MKN mmoho le nyalano dipakeng, le ka hara mafapha a mmuso, ho lokisetsa mokgwatshebetso wa moralo bo se bo hlahisitswe Molaong wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala. Molao ona ha o kgelohe ho se boletsweng hodimo mabapi le ditlhoko tsa ditokisetso.
a Ho amohela mokgwatshebetso ka tsela ya ho ngola fatshe, e leng boikarabelo ba masepala wa selehae/sedika mme mokgwa ona wa tshebetso o tla tataisa ho ralwa, ho kgawritsa, ho amohela mmoho le ho hlahloba MKN. Tokomane ena e ngotsweng mabapi le mokgwatshebetso wa MKN e tla bitswa ka bokgutshwanyane, mokgwatshebetso wa moralo ka hara bukana ena?
tsela e lokelang ya tshebetso, mekgwatshebetso mmoho le metjha e latelwang bakeng la ditherisano le ho nka seabo ha setjhaba sa selehae, ditho tsa mmuso, ba ikarabelang ho tsa setso, mmoho le banka-seabo ba bang ba amehang mekgwatshebetsong ya MKN.
Ho hlwauwa ha meralo yohle mmoho le ditlhoko tsa meralo eo e jwalo, tse tlamang masepala ho latela melao ya naha le provense.
b Kamohelo ya sebopeho sa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele o hlahang ho masepala wa sedika ka seng, mme o tlama masepala wa sedika le masepala wa selehae ka hara setereke, e lokela ho etsa bonnete ba hore ho teng dikgokahanyo tsa ditherisano mabapi le mekgwatshebetso ya moralo wa masepala wa sedika mmoho le bomasepala ba bang ba fapaneng ba selehae.
Ha Mokgwatshebetso bakeng la Moralo, o lokela ho thehwa hodima ditherisano tse lokelang mabapi le setjhaba sa selehae, sebopeho sa moralo sona, se lokela ho thehwa hodima ditsela tsa ditherisano le masepala wa selehae ka hara setereke.
Mokgwatshebetso mmoho le sebopeho di lokela ho nehelwa Letona (MEC) la Mmuso wa Selehae mmoho le tokomane ya MKN e amohetsweng ke bohle, mme sena se etsahala mafelong a ho sebetswa ha moralo.
Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Sebopeho, ke ditokomane tse pedi tse fapaneng empa di amana ka mosebetsi. Mokgwatshebetso bakeng la Moralo ke sesebediswa bakeng la masepala ka mong (wa selehae le wa sedika) se thusang mabapi le taolo e lokileng ya mokgwatshebetso bakeng la MKN ka nako tsohle. Sebopeho ke sesebediswa se nyalanang sedika/setereke, mme se etsa bonnete ba hore mekgwatshebetso bakeng la meralo boemong ba sedika e hata mmoho. Dikarolo tse ding tsa mokgwatshebetso wa moralo di a tshwana, mme tse ding di batleha fela tokomaneng e le nngwe kapa tse pedi (sheba setshwantsho sa 1).
Mokgwatshebetso bakeng la moralo o lokela ho kgotsofatsa mesebetsi e etswang ke moralo wa kgwebo kapa moralo wa tshebetso kapa moralo o tshebetsong wa MKN. Mokgwa ona wa tshebetso o lokela hore o hlakise hantle hore na ho etsahalang neng, ke mang ya amehang, hona hokae, mme o kenyelletse ho lekanyetswa ha ditshenyehelo.
Ho ya ka molao, e lokela hore e be tokomane ya boemo bo hodimo e bebofatsang hlahlobo tse ka etswang hodima dihlophiso tsa dintlha.
Leha masepala ka mong a na le bolokolohi ba ho iketsetsa paterone ya hae ka moo a e batlang ka teng, ho na le lenane la ditshitshinyo la tse ka hare le ka thusang ho fana ka setshwantsho se phethahetseng mabapi le ka moo dithloko tsa semolao tse boletsweng hodimo di ka kenyelletswang ka teng.
Provense le ba Naha.
Mosebetsi wa Sebopeho ke ho etsa bonnete ba hore mokgwatshebetso wa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele (MKN) wa sedika, mmoho le Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele wa selehae, di hokahana ka hohlehohle ebile di a tlatsetsana. Ebang mekgwatshebetso e tsamayang e bapile e lokela hore e hokahane hantle, ho lokelwa ho dumellanwa ka nako e le nngwe, mme dintlha tsohle le tsona di lokela hore di ame mahlakore kaofela ka ho lekana. Sena se tla etswa ho latela sebopeho. BoMasepala ba sedika ke bona ba lokelang ho kgwaritsa Sebopeho sena. Jwalo ka ha ho lokela ho dumellanwa ke bomasepala ba selehae, ebile ho lokela hore sebopeho sena se sebediswe ke bomasepala bohle e le motheo wa ho kgwaritsa mokgwatshebetso bakeng la moralo, ho lokela hore ho dumellanwe mabapi le sebopeho mathomong a ditokisetso tsa mokgwatshebetso.
Dintlha, ditsela mmoho le metjha bakeng la ho ikamahanya le ho rerisana.
Meralo e Tlamang mmoho le Ditlhoko tsa Moralo boemong ba Provense le ba naha.
Ditsela le ditheo bakeng la ho beha leihlo Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Diphetoho tse etswang Sebopehong.
Ho ikamahanya ha ditsela tsa tshebetso tsa MKN tsa bomasepala ka Sebopeho, ho lokela ho bewa leihlo ke Didika hore ho kgonahale ho nkuwa mehato e tla lokisa se fosahetseng ka nako ebang ba bang ba bomasepala ba sa kgone ho ho ikamahanya le dinako tse behilweng.
Ho teng dikgaolo tse tharo tse lokelang ho ba karolo ya Sebopeho, mme e nngwe le engwe e na le Mokgwatshebetso wa moralo: Tsona ke Lenaneo la mehato e latelwang, kgaolo e mabapi le tsepamiso, mmoho le kgaolo e shebaneng le melao e tlamang le ditlhoko tsa ho etsa moralo. Lenaneo la mehato e lokelang ho latela ya bomasepala e tla fapana hanyane le lenaneo la mehato e lokelang ho latela e ka hara Sebopeho. Bobedi di tla lokela ho hlaloswa ka ho tsepama, mme di lokela hape hore di kgwaritswe ke masepala ka mong, ebile ho elwa hloko nako e lokelang ho nkuwa bakeng la Mehato ya ho Rala Sebopeho. Metjha e nkuwang bakeng la ho boikamahanyo/ho tsepamiswa, melao e tlamang mmoho le ditlhoko tsa ho etsa moralo, di tla tshwana bakeng la Sebopeho sa sedika/setereke ka seng mmoho le Tshebetso ya Moralo.
Ho se ho boletswe hore ho lokisetsa Mokgwatshebetso wa moralo ke boikarabelo ba bolaodi jwalo ka ha ho etswa moralong ofe kapa ofe wa kgwebo. Sena ha se batle botsebi/bokgoni bo ikgethang kapa ho batla thuso ya bo-ramawa. Diphetho tsa mokgwatshebetso, ha di lokela ho hlaha ka mokgwa wa tokomane feela (ya Mokgwatshebetso wa Moralo), empa di lokela ho hore e be diphetho tse entsweng ka makgethe a tla bontsha ho nahanela pele ha nako e tlang.
a pakeng tsa masepala wa selehae le wa sedika jwalo ka ha ho batleha nakong eo ho etswang sebopeho.
b le setjhaba mmoho le dihlopha tse nang le seabo, tse fuwang monyetla wa ho ba karolo ya ditokiso tsa mokgatlo; le c le mekgatlo e ikarabelang ditjheleteng mohl. dibanka, mme bona ba tsepamisa ditlhoko tse batlehang bakeng la tshebetso ya moralo ba ikamahantse le dithuso tsohle tse teng.
Ho laola ditsela tsena tsa ditherisano mmoho le ho fumana bohle ba lokelang ho nka seabo mosebetsing ona wa MKN, ke mosebetsi o moholo wa bohlokwa. Ha ditaba di tsamaya hantle, nako ya kgwedi ke yona e ka lokelang ho etsa mesebetsi ena kaofela.
Tataiso II e neha molaodi matla a ho etsa Mokgwa-tsebetso wa Moralo ntle le thuso ya batswa-ntle, mme sena se ikamahanya le dithloko tsa Molao wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala mmoho le ditlhoko tsa tshebetso ya moralo o entsweng ka makgethe. Tataiso e tla fanwa ho latela mosebetsi wa boitikisetso ka mong.
ho rala sebopeho sa mokgatlo le dihlophiso tsa mokgatlo bakeng la ho kgwaritsa mokgwatshebetso (karolo ya 3).
ho nka qeto mabapi le tse ka hare mmoho le ditsela bakeng la dikgokahanyo le boikamahanyo/botsepamo (karolo ya 6).
ho hlwaya melao e tlamang mmoho le dithloko tsa moralo (karolo ya 7).
ho lokiswa ha ditekanyetso bakeng la tshebetso ya moralo; le ho bokella mekgwa bakeng la Sebopeho.
a mesebetsi yohle ya ditokisetso mmoho le dihlahiswa tse batlwang, mme di kenya dikgothalletso bakeng la ho rala tokomane ya tse hlahisitsweng/fumanweng.
b tse ka hare tsa Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Sebopeho k.h.r ditshitshinyo bakeng la diqeto tse nkuweng mabapi le mokgwatshebetso wa MKN kapa tse lokelang ho shejwa nakong eo ho etswang diqeto.
Dikgothalletso tsa tse ka hare tse hlahang Tataisong ya II mabapi le hore na paterone ya ho sebetsa MKN e etswa jwang, di ka se nkele sebaka ho balwa ho phethahetseng ha tse ka hare hwa Tataiso ya I le ya III eo e leng motheo wa kutlwisiso e ntle ya tshebetso ya MKN. Kutlwisiso ena ke ya bohlokwa bakeng la ho lokisetsa mokgwatshebetso wa MKN ya masepala ya itseng ka tsela e tla dumellana le maemo a selehae. Tsela ena ya ho kgutsufatsa dikgothalletso tsa Tataiso ya II, empa e le ho etsa hore ditatiso tsena di nyallane le mokgwatshebetso wa ditokiso tsa ho Sebetsa Moralo.
Ke e nngwe ya mekgwa ya tshebetso ya moralo e tswileng ka mahetla, moo banka-seabo kaofela ba nang le tsebo ya maikarabelo a bona le a ba bang ba amehang. Ha ho le tjena, e nkuwa e le e nnwge ya ditlhoko tse mabapi le tshebetso ya moralo wa MKN ho etsa bonnete ba hore ho teng kutlwisiso e felletseng mabapi le diabo tsohle tse batlehang, mme diabo tsena e le tsa batho kapa mekgatlo e lokelang ho nka diabo tse jwalo.
Lenane la mabitso a batho ba lokelang ho nka diabo tsena mmoho le maikarabelo a teng.
Dintlha tsohle tse tla hlalosa diabo le maikarabelo ana ka tsela e otlolohileng.
Tshebetso e sisintsweng Komiti ya MKN ya Taolo e hlalosa diabo tseo masepala a lokelang ho di bapala tshebetsong ya MKN ho latela diabo tseo banka-diabo ba ka ntle ba lokelang ho di bapala (ho ikamahantswe le Karolo ya 84 ya Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala).
Dikarolo/diabo tse lokelang ho bapalwa ke masepala di boela di hlahiswa ke mareo a kgwaritsuweng bakeng la seabo ka seng, mme a hlalosa boikarabelo bo tsamayang le seabo seo.
Ho lokisa, ho nka qeto le ho amohela mokgwatshebetso wa moralo.
hore dibapadi tsohle di kenyelleditswe hore ho ralwa ha diketsahalo ho etswa ho latela nako e behilweng.
hore tshebetso ya moralo e amana le dintlha tsa bohlokwa tsa masepala k.h.r ke tshebetso e entsweng ka tsela e bontshang bokgoni.
dithloko tsa moralo wa mokgatlo di kgotsofaditswe.
Lokisa MKN ho latela ditshitshinyo tsa Letona (MEC) la ditaba tsa Mmuso wa Selehae.
Etsa bonnete ba hore diqeto mabapi le moralo wa kgwebo wa selemo, ditekanyetso le taolo ya tshebediso ya mobu di thehilwe hodima MKN.
ho tsebisa dihlopha tse nang le tjheseho, setjhaba mmoho le mekgatlo ka diketsahalo tse amanang le moralo mmoho le diphetho tsa ona.
ho sekaseka dintlha, sheba tse lokelang ho tla pele le ho fihlela ditumellano.
ho buisana le ho seka-seka tokomane e so phethahaleng ya MKN.
ho hlahloba ketsahatso ho kengweng tshebetsong ha MKN.
ho tshwara dikopano kapa diseminara le dihlopha, setjhaba kapa mekgatlo bakeng la ho lokisetsa ho ralwa ha diketsahalo tse lokelang.
ELA HLOKO: Diabo/dikarolo tse itseng tsa baetapele ba setso di ntse di lokela ho ka hlakiswa. Seabo sa setjhaba se lokela ho shejwa e le monyetla eseng boikarabelo kapa ona mosebetsi.
A. Seabo le maikarabelo a tshwananag le a mmuso le masepala wa selehae empa se ikamahanya le ditokisetso tsa MKN ya Sedika.
B. Kgokahanyo ya diabo bakeng la Masepala wa selehae.
etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse rapameng tsa MKN ya masepala diterekeng tseo khansele eo e leng teng.
etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse tsepameng pakeng tsa sedika le moralo wa selehae.
nolofaletsa kamano tse tsepameng tsa MKN le mahlakore a mang a mmuso mmoho le makala a mafapha.
lokisetsa diseminara tse kopantsweng le banka-seabo ba masepala wa selehae, ba provense, ba naha, mmoho le ditsebi tse ikgethang.
Ho etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse rapameng tsa MKN tsa masepala wa sedika.
ho tataisa mafapha a makala a provense ho nkeng seabo mmoho le tlatsetso eo a e etsang hodima tshebetso ya moralo.
ho ba tataisa ha ho sekasekwa tokomane e so phethahaleng ya MKN le ho amanya lenaneo la makala le ditekanyetso ho MKN.
Ho beha leihlo ntshetso-peleng ya tshebetso ya MKN.
Ho thusa bomasepala ho kgwaritsweng ha tshebetso ya MKN ha ho hlokahala.
Ho lokisetsa kwetliso ya MKN ha ho hlokahala.
Ho hokahanya le ho laola seo Letona (MEC) le se lekanyetsang ka MKN.
Tlatsetsa ka lesedi hodima mafapha a makala a provense mabapi le moralo, mananeo, ditekanyetso, maikemisetso, mawa mmoho le diprojeke, mme sena se etswe ka bokgutshwane ka tsela e amohelehang.
Tlatsetsa ka bokgoni makaleng mmoho le ka botsebi mabapi le ho bopa mawa a diprojeke tsa masepala.
Kena ka setotswana tshebetsong ya ho ikamahanya le masepala wa sedika.
Nka karolo dikgokahanyong tsa bolaodi ba provense.
Barerisani, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso NGO?
Bahlanka ba Masepala ba etsang mosebetsi wa ho Rala.
Mofani ofe kapa ofe ya tswang ka ntle mme fana ka ditshebeletso tse amanang le ho rala, o lokela hore ho rerisanwe le yena bakeng la mesebetsi e jwalo ha feela ho se na setsebi ka hare se ka etsang/fanang ka mosebetsi oo o jwalo.
Leha ho etsahala hore bafani ba ditshebeletso ba be le tsebo lehlakoreng le le leng feela la ditshebeletso, ho teng ditshebeletso tse ding tse ngata tse nyallanang. Ka hoo, ha re kgetholle seabo se etswang ke bafani ba ditshebeletso.
Ho fana ka tataiso mabapi le bokgoni ba tekgeniki hodima tshebetso ya MKN.
Ho etsa dithuto tse ikgethileng mabapi le ditlatsetso tse amanang le tsona.
Ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le ditekanyetso tsa provense le naha.
Ditsebi tsa moralo e ka ba barali ba toropo kapa ba setereke, kapa ba sibollang meaho kapa ditsebi tse etsang mesebetsi e mabapi le ntshetsopele ya tikoloho.
E lekole, e be e amohele mokgwatshebetso wa moralo.
E lekole, e be e amohele le hona ho tjhahella monwana MKN.
Etsa qeto mabapi le Tshebetso ya Moralo.
Ba be le boikarabelo bakeng la taolo ka kakaretso, ba hokahanye le ho beha leihlo tshebetsong, le ho ngolweng ha MKN, kapa ho fana ka mosebetsi ona ho Molaodi wa Masepala.
Ho tjhaella monwana batho ba thontsweng ba tla nkang diabo tse fapaneng, mesebetsi le maikarabelo bakeng la tshebetso ya ho kgwaritsa tokomane.
Makhanselara ke kgokahanyo pakeng tsa masepala le baahi ba motse.
ho hokahanya tshebetso ya moralo le dibaka tseo makhanselara ana a di laolang.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho hlophisa ditherisano tsa setjhaba le ho nka seabo ha sona.
Ho etsa bonnete ba hore moralo wa kgwebo wa selemo mmoho le ditekanyetso tsa masepala di hokahana le MKN.
Molaodi wa Masepala kapa Mohlanka ya phahameng ya fuweng boikarabelo ba ho etsa mosebetsi wa Molaodi wa MKN o lokela ho laola le ho hokahanya tshebetso ya MKN.
Ho etsa bonnete ba hore banka-seabo bohle ba kena ka setotswana.
Ho kgetha batho ba tla etsa mesebetsi e fapaneng.
Ho nka boikarabelo ba tsatsi ka leng bakeng la tshebetso ya tokomane e so phethelweng.
Etsa bonnete ba hore tshebetso mmoho le mawa a moralo ke boikarabelo ba bohle, mme ho kengwa tshebetsong ha moralo ho ikamahantse le ditlhoko tse batlehang.
Araba ditshitshinyo tse tswang setjhabeng tse entsweng hodima tokomane e song ho phethahale ya MKN mme a be a shebe dikamano tse rapameng le mafapha a mang a mmuso bakeng la mosebetsi o tla kgotsofatsa Khansele ya masepala.
Etsa bonete ba hore ho teng tokomane e jereng diphetho tsa moralo wa MKN.
Fetola MKN ho latela ditshitshinyo tsa Letona (MEC) la ditaba tsa Mmuso wa Selehae.
Le ha Molaodi wa Masepala a ka fana ka boikarabelo ba mesebetsi ena ho Molaodi wa MKN, yena ka boyena o ntse a ena le boikarabelo bo tletseng.
Fana ka lesedi mabapi le tsa tekgeniki mmoho le tsa ditjhelete bakeng la ho sekaseka dintlha tse lokelang ho etswa pele.
Fana ka bokgoni ba botekgeniki mabapi le ho fihlela diqeto bakeng la mawa le ho hlwauwa ha diprojeke.
Fana ka lesedi bakeng la ditekanyetso tsa ditjhelete mmoho le tsamaiso.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho lokiswa ha ditshitshinyo bakeng la diprojeke, ho kopanelwa ha dirpojeke mmoho le mananeo a makala.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho lokisa diphetoho tse teng tokomaneng e song ho phethelwe ya MKN bakeng la ho nehelanwa ka yona ho Khansele ya Masepala ho fihlela moo e tla beng e tjhaelwa monwana ke Letona (MEC) la Mmuso wa Selehae bakeng la tsepamo/boikamahanyo.
etsa ho nka seabo ha bohle ba amehang ho matlafale.
ka ho phethahala ho laola ho ralwa ha diphetho ho fa mekga e amehang monyetla wa ho tlatsetsa tshebetsong mabapi le diqeto tsa tshebetso tse nkuwang.
Ho nka seabo ha setjhaba ho lokela ho amangwa le mokgatlo ho etsa bonnete ba hore baahi bohle ba na le tokelo ya ho nka seabo.
Ho nka seabo ho thehilweng hodima popeho e itseng ho lokela ho hlaloswa hore na ke mang ya nkang seabo, bakeng la mang, mabapi le ntlha dife, hona ho latela ditsela dife.
Bomasepala ba lokela ho sheba ditokiso tse teng ha jwale, mme ba di sebedise ba be itlwaetse tsona ha ho hlokahala, mme sena se etswa ho qoba phetapheto e ka bang teng. Mohlala, ebang ba nka tsela e sebediswang ke komiti ya woto (ward) ya bona, ba ka batla ho sebedisa sebopeho sena, mme ba ka hloka ho etsa bonnete ba hore hodima sena, batho ba nang le seabo mmoho le mekgatlo setjhaba, le bona ba na le boemedi.
Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN.
Foramo ya Boemedi ya MKN.
Ditokisetso tse fumantshistsweng dikgothalletso ke tsona tse tla sebetsa jwalo ka tataiso bakeng la bongata ba bomasepala ba sedika le ba selehae. Molaodi wa MKN, Komiti ya Taolo ya MKN mmoho le Foramo ya Boemedi ya MKN ke dibopeho tse batlahalang bakeng la tshebetso yohle ya MKN e tla thehwa maqalong, mme ka hona e tla tsebiswa Tataisong ena.
Sehlopha sa Diprojeke tsa Mesebetsi e tla ba sehlopha se senyane se sebetsang mme sona se tla thehwa ka bongata ba makala a lokelang a masepala mmoho le batho ba tekgeniki, banka-seabo ba amehang bolaoding bo mabapi le ho kengwa tshebetsong, mme moo ho hlokahalang teng, banka-seabo ba setjhaba ba amehang ka ho otloloha ke projeke tseo. Sehlopha sena sa Diprojeke tsa mesebetsi se tla batleha ho tloha mohatong wa 3, mme se tla tsebiswa moo ka ho phethahala (Mosebetsi wa ho rala 3.1).
Ditokisetso tsohle tsa mokgatlo tse hlahisitsweng hodimo di lokela ho tshehetswa ho fihlela mohatong wa ho kengwa tshebetsong wa MKN, mme ditokiso tsena di tla sebetsa jwalo ka sehlopha se tla hokahanya le ho laola tsela ya ho kenngwa tshebetsong.
Mofuta wa dihlophiso o lokelang ho thehwa.
Mareo a utlwisisehang a Supang hlophiso ka nngwe.
Tsela eo ho kgethwang ka yona.
Tsela ya boitshwaro.
ditho tse kgethuweng di tseba diabo tsa tsona.
Hlalose Mareo a Supang bakeng la Molaodi wa MKN le Komiti ya Taolo.
Hlwaye Molaodi ya loketseng ho tsamaisa MKN, ho shejilwe bohlokwa ba MKN, nako e behilweng ke Molaodi wa Masepala mmoho le batho ba bang.
Fana ka boikarabelo mabapi le ho kgwaritsa MKN bakeng la Molaodi wa Masepala.
Qolla le ho kgetha batho ba lokelang ho sebetsa Komiting ya Taolo, mme ho ntse ho etswa bonnete ba hore dintlha tsohle tse kang tikoloho, thuso tsa ditjhelete tsa matlo a masepala jj, di na le bonyane motho a le mong ya tla ikarabela ho tsona.
Hlalosa Mareo a supang, mmoho le tsela bakeng la ditho tsa Foramo ya Boemedi ya MKN.
Tsebisa setjhaba ka dipapatso mabapi le ho thehwa ha Foramo ya Boemedi ya MKN le ho kopa dikopo ho tloha mekgatlong ya setjhaba ho bontshwa maikemisetso, diketsahalo, palo ya ditho, mmoho le molao-theo.
batho ba bang ba nang le seabo, le ba kotetsweng ka thoko, ba hlokang boemedi, mme ba batla Ammuelli@ ya ka ba emelang ditabatabelo tsa bona.
bao e ka bang babuelli.
batho ba nang le ditlhoko.
bahlanka/baofisiri ba phahameng.
Kgetho ya dihlopha tse ka kgonahalang/ditho di itshetlehile hodima mokgwa.
fana ka dihlopha/ditho tse sisingwang ho Khansele bakeng la ho shejwa.
Kgetho ya ditho le ho fana ka tsebiso ho setjhaba.
boikarabelo bo dule bo le matsohong a Molaodi wa Masepala.
mawa a ho fana ka diraporoto.
theha dikomiti tse nyane (ebang ho hlokahala), mme e be etse qeto ka dikamano/mawa a ho fana ka diraporoto.
laola ho ngolwa ha tokomane e esong ho phethahale.
fana ka boikarabelo ho molaodi wa masepala, le fana ka moralo wa tokomane e song ho phethahale ho khansele bakeng la ho amohelwa.
Tsena ke dibopeho tse seng di le teng mme di batlwa ke Molao wa Dibopeho tsa boMasepala eseng dibopeho tse ding tsa masepala bakeng la MKN.
Ho kgothalletswa hore boikarabelo bakeng la ho laola tokomane e song ho phethahale ya MKN bo tla fuwa Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN bakeng la hae.
Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN o tla ba le boikarabelo bakeng la ho etella pele tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Kgetho ya motho ya lokelang mosebetsi ke ya bohlokwa bakeng la katleho ya MKN, mme e lokela ho etswa e le mohato wa pele bakeng la ho lokisetsa Tshebetso ya Moralo hobane Molaodi wa MKN ke yena ya ikarabelang ho raleng ha Tshebetso ya Moralo.
Molaodi wa MKN e lokela ho ba motho ya ikabetseng ho etsa mosebetsi, mme a be le matla a ho kenya bohle ba lokelang hore ba ka nka seabo.
Ikarabela bakeng la ho lokiswa ha Tshebetso ya Moralo.
hore diphetho di ngolwa tokomaneng e lokelang.
Molaodi bakeng la ditsebi tse fanang ka tsebo e hlokahalang.
Komiti ya Taolo e lokela ho ba sehlopha sa tekgeniki sa tshebetso bakeng la Hloho tsa Mafapha le bahlanka/baofisisri ba thusang Molaodi wa MKN, mme ke yona e lokelang ho sheba hore tsohle di tsamaya ka toka tshebetsong ya moralo. Molaodi wa MKN o na le boikarabelo bakeng la tshebetso, empa nako le nako o tla nne a fane ka boikarabelo ba hae dithong tse ding tsa Komiti ya Taolo. Ho bomasepala moo ho nang le mesebetsi ya makhanselara a batlang ho ba karolo ya Komiti ya Taolo, ba ka kenngwa. Mona hlompho mabapi le boemo ba batho e lokela ho nkelwa hlohong.
Ho fana ka mareo a tla supang diketsahalo tsa moralo tse fapaneng.
Ho etsa dipatlisiso tsa thuto.
tlatsetso ya maikutlo ho tswa ho dikomitinyana/dihlopha tse ithutang le ditsebi.
tlatsetso ya maikutlo ho tswa ho makala a provense mmoho le bafana-ka-shehetso.
Ditshebetso, dikgutsufatso, mmoho le ditokomane tsa diphetho.
Ho etsa dikgothalletso tsa tse ka hare.
ho lokisa le ho tsamaisa ditokomane tsa dikopano.
Molaodi wa Masepala le/kapa Molaodi wa MKN.
Mohlanka/Mo-ofisiri wa Masepala.
Dihloho tsa mafapha kapa Bahlanka ba phahameng.
Komiti ya taolo ya MKN e ka theha komitinyana bakeng la diketshahalo tse ikgethang, mme Komiti e lokela ho kenyelletsa batho ba ka ntle ho Komiti ya Taolo.
Mohlanka wa Masepala o lokela ho kgethwa bakeng la ho lokisa, le ho tsamaisa le ho ngola tse buuwang ka hara dikopano. Mosebetsi o lokela ho ba boikarabelo ba Morali wa Masepala kapa Mohlanka ya tshwanang le yena.
Bakeng la hlophiso ya ditshebeletso mabapi le diseminara, ho phatlalatswa ha lesedi le teng mmoho le ho mengwa ha batho, Mohlanka o lokela ho fumana tshehetso ho motsamaise.
Foramo ya Boemedi ya MKN ke sebopeho se matla se fanang ka tshepiso ho baemedi bakeng la ho nka seabo Tshebetsong ya MKN. Kgetho ya ditho bakeng la Komiti ya Boemedi ya MKN e lokela ho behwa hodima tsela e tla bontsha boemedi ho latela tikoloho ya boahisane.
E emela ditabatabelo tsa bakgethi tshebetsong ya MKN.
E fana ka mawa bakeng la ho tshohlwa ha ditaba, ho rerisana, mmoho le ho nka diqeto pakeng tsa bohle ba amehang ho kenyelletswa puso ya masepala.
Ho etsa bonnete ba hore ho teng metjha ya dipuisano baemeding bohle ba amehang ho kenyelletswa le masepala.
Ho beha leihlo mosebetsing o hodima ho rala, le ho kengwa tshebetsong ha moralo.
Makhanselara (ho kenyelletswa Makanselara ao e leng ditho tsa Lekgotla la Setereke le batshwara-mesebetsi ba bang ba makhanselara).
Baetapele ba setso.
Dihloho tsa mafapha / Bahlanka ba phahameng.
Baemedi ba nang le seabo mme ba emetseng dihlopha tse hlophilweng.
Babuelli ba dihlopha tse hlokang baemedi.
Batho ba nang le tse hlokehang.
baemedi ba setjhaba mohl.
Ditokiso, tsamaiso mmoho le ngola metsotso ka dikopanong le diseminareng tsa Foramo ya Boemedi ya MKN ho batla hore ho fumantshwe tshehetso ke Ditsebi tsa Meralo mohl.
nako tsa dikopano (makgetlo a ho ba teng mmoho le boteng ba setho).
lenane-tsamaiso, tsamaiso mmoho le ho ngolwa ha metsotso.
Kutlwisiso ya ditho mabapi le diabo tsa bona jwalo ka baemedi ba dibaka tsa bona.
raporoto e kgutlelang dibakeng tsa baemedi ba di emetseng.
Hlokahalo ya bongata bo tshwanetseng bakeng la ho tjhaellwa monwana.
Sebopeho sa Foramo ya Baemedi ba Sedika ba Masepala se tla kenyelletsa Makhanselara ohle a masepala wa sedika ho etsa bonneta ba hore dibaka di ba le boemedi.
Ho nka seabo ha setjhaba mmoho le ba nang le seabo bakeng tshebetso efe kapa efe ka hara mokgattlo, ke e nngwe ntlha tsa bohlokwa tsa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Ho nka seabo ha ba amehang ho bontsha ka moo MKN e rarollang dintlha tse amang baahi ka hara masepala. Karolo ya 3 hodimo e bua ka ditokiso tse lokelang ho thehwa bakeng la ho nka seabo ho otlolohileng. Karolo ena e tla tswela pele ka ho fana ka tataiso mabapi le hore na masepala ka mong o lokela ho lekola eng ha a ntshetsa pele mawa a ho nka seabo ha setjhaba bakeng la tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa MKN. Bakeng la lesedi le mabapi le sebopeho sa semolao hodima ho nka seabo ha setjhaba ditabeng tsa mmuso wa selehae, bomasepala ba lokela ho sheba Tataiso I e leng Tataiso ya Kakaretso ya MKN. Tataiso ya IV (lebokose la disebediswa) e fana ka disebediswa tse fapaneng mmoho le mawa bakeng la ho nka seabo?
Komiti ya Taolo ya MKN e rala tshitshinyo bakeng la mawa e ntse etse hloko tsela ya ho ikamahanya le molao ofe kapa ofe mohl. kgaolo ya 4 ya Molao wa Dihlohlomiso tsa Masepala le Melao ya MKN.
Tshitshinyo e fuwa Khansele bakeng la ho hlahlojwa le ho tjhaella monwana.
Ha mawa ana a se a tjhaelletswe monwana ke Khansele, Komiti ya Taolo ya MKN e nka boikarabelo ba ho a kenya tshebetsong.
Komiti ya Taolo ya MKN e hlahisa mawa kopanong ya pele ya Foramo ya Baemedi ya MKN.
Diabo tsa banka-seabo ba fapaneng nakong ya tshebetso ya ho nka seabo (mohl. Makhanselara, Komiti ya Taolo ya MKN, Foramo ya Baemedi ya MKN, Bahlanka ba bang, Ditsebi jj).
Ditsela tsa ho kgothalletsa boemedi dihlopheng tseo e seng ngatana e hlophisitsweng.
Mawa a ho nka seabo bakeng la mehato e fapaneng ya mekgwa e sebediswang.
Disebediswa tse lokelang mabapi le ho nka seabo.
Ditsela tsa ho hlahisa le ho bokelletsa ditlhoko ho kenyelletswa ditokomane bakeng la ditlatsetso tsa ho nka seabo.
Khansele e kgethuweng ke yona e ka etsang qeto bakeng la MKN. Seabo sa ho nka seabo ka hara demokrasi ke ho tsebisa bohle ba amehang le ho rerisana le bona ka dintlha tse itseng. Hape ke ho fa ba nang le seabo monyetla wa ho fana ka ditlatsetso tsa mehopolo hodima diqeto tse nkuwang ke khansele.
Bakeng la ho etsa hore setjhaba se nke seabo e le ka nnete, molao o batla hore bomasepala ba etse maemo hore e be a loketseng a tla nolofatsa ho nka seabo ha batho. Sena ke tlhoko ya pele, mme ha e so felle. BoMasepala ba na le boikarabelo ba ho kgothalletsa setjhaba mmoho le dihlopha tse nang le tjheseho ho kena kgabong. Sena se lokela ho etswa ho shebilwe ba kojwana di mahetleng kapa ba neng ba kotetswe ke mmuso wa kgale ho ikamahantswe le maemo ao masepala a iphumanang a le ka hara ona.
Ho nka seabo ho bopehileng : Bongata ba bomasepala ba batjha ba baholo haholo ho latela bongata ba baahi le sebaka ho ka dumella ho nka seabo ho otlolohileng ha bongata ba batho bao e leng baahi metseng eo tshebetso ya moralo e leng e rarahaneng.
hore na ke mang ya nkang seabo ke mang ya ka se nkeng seabo ka ho otloloha, empa a lokela ho bonwa bakeng la dintlha tse ding (mohl. Bomasepala ba atamelaneng).
Ke dintlha dife tse tla etsa hore ho nkwe seabo ka ho otloloha ha ho kgonahala.
Ditshenyehelo tsa ho ba le seabo di ka behwa bohatong bo dumelletsehang ebang ba lokelang ho nka seabo ba ka tsebiswa ka ntlha ya hore ke molemong wa bona ho ba karolo ya tshebetso ya moralo, mme sena ha se mosebetsi oo ba ka o lefellwang.
Moo ho ntshetswang pele mawa a ho nka seabo, masepala o lokela ho etsa bonnete ba hore maemo a matle a rena bakeng la ho nka seabo ha setjhaba ho lokileng.
Baahi le ba nang le seabo ba lokela ho bolellwa mabapi le maikemisetso a masepala a ho kena morerong wa tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa ntshetsopele. Ho etsa sena masepala o etsa bonnete ba hore mefuta e lokelang ya diphatlalatso jwalo ka diteishene tsa radio, mangolo a masepala jj. e a sebediswa bakeng la ho fihlela batho ba bangata ka nako e le nngwe. Ba nang le seabo ba se ke ba nahana hore ha ba nkelwe hlohong kapa ha se ba bohlokwa. Ha ho kgethwa mofuta o itseng wa phatlalatso ya lesedi (media), bomasepala ba lokela ho sheba ditshenyehelo tse amahanang le tsela eo ya ho phatlalatsa. Mohlala, ho ka etsa tefello e hodimo ho hlahisa papatso ka hara lesedinyana, mme sena ke monahano o lokelang ho qojwa.
Ditsela tse ding tsa ho tsebisa setjhaba ka ka ho latela metjha ya makhanselara. Makhanselara a lokela ho tsebisa batho ka hara di-Woto tsa bona ka mokgwa wa dikopano.
Setjhaba kaofela mmoho le ba nang le seabo ba lokela ho mengwa ho ingodisa jwalo ka ditho tsa Foramo ya Baemedi ya MKN. Masepala o lokela ho boloka dintlha tsohle ka batho bana bakeng la ho ka uwa ho bona nakong ya mehato e fapaneng ya tshebetso.
Tshebediso ya puo e lokelang.
Tshebediso ya puo e lokelang ke ntho ya bohlokwa bakeng la ho dumella ba nang le seabo hore ba nke seabo ka bolokolohi. Komiti ta Taolo ya MKN e lokela ho kgotsofatsa hloko ya ho hlwaya toloko e tla sebetsa maemong ao banka-seabo ba iphumanang ba sa utlwisisi puo e itseng.
Sebaka seo diketsahalo tsa setjhaba di etsahalang ho sona ke sona se tla laola hore na bongata ba batho ba tlang. Ho bohlokwa hore sebaka se kgethwang se ka fumaneha habonolo ke ba nang le seabo, jk bohaufi ba transporoto ya setjhaba ho bao ba hlokang makoloi.
Dinako tseo Foramo ya Boemedi ya MKN e dulang ka yona di lokela ho amohela bongata ba batho. Komiti ya Taolo ya MKN e lokela ho fumana nako e tla lokela bongata ba batho bakeng la ho tla dikopanong. Mafelo a beke le ona a lokela ho shejwa.
Foramo ya Boemedi ya MKN e na le dikopano tse telele tse ka batlang hore batho ba fuwe dijo, mme ho shejwe hore batho ba rata dijo tsa mofuta ofe; mohl. ba sa jeng nama ba lokela ho nkelwa hlohong.
Baemedi ba lokela ho kgothaletswa ho fana ka raporoto mekgatlong ya bona.
Bakeng la ho dumella monyetla o lekanang bakeng la boemedi, setjhaba mmoho le ba nang le seabo ba lokela ho fuwa nako e ka etsang dibeke tse 2 ho isa ho tse 4 bakeng la ho tshwara dikopano kapa diseminara tsa mokgatlo, setjhaba kapa mekgatlo eo ba e emelang pele dintlha di ka sejetswa ke Foramo ya Baemedi ya MKN. Sena se lokela ho nkelwa hlohong nakong eo lenaneo le nako di etswang ka yona. Taba ya hore baemedi ba fane ka raporoto ka mora kopano ho bao ba ba emelang e lokela ho kengwa ka hara mokgwa wa boitshwaro wa Foramo.
Monyetla wa ba nang le seabo wa ho etsa ditshitshinyo tokomaneng e song ho phethelwe.
Tokomane e song ho phethelwe, e lokela ho fumaneha habonolo bakeng la baahi bohle le batho ba nang le seabo. Ho lokela ho ba le nako ya bonyane dibeke tse pedi bakeng la dikomiti tsa di-Woto, mekgatlo ya ba nang le seabo mmoho le bohle ba nang le tjheseho bakeng la ho sekaseka tokomane ena e song ho phethelwe pontsheng ya bohle le ho fana ka ditshitshinyo hodima yona pele Foramo ya Baemedi ya MKN e nka qeto hodima tokomane eo. Ho lokela ho elwa hloko taba ya nako ka hara lenaneo.
Dikopano tsa Khansele ka mora ho tjhaelwa monwana ha MKN di lokela ho bulelwa setjhaba kaofela.
Dikhopi tsa MKN e seng e phethahaditswe di lokelal ho fumanwa ke bohle ba nang le seabo mmoho le setjhaba. Ho tla ba bohlokwa hore ho kgutsufatswe sephetho sa moralo jk. tjhebelopele ya masepala, maikemisetso jj, mme sena se etswe ka dipuo tse fapaneng tse buuwang ka hara sedika sa masepala eo ya jwalo.
Mmuso wa masepala ho latela motjha wa Komiti ya MKN mmoho le Makhanselara, o lokela ho sebedisa metjha yohle bakeng la ho etsa maemo e tla kgothalletsa setjhaba ho nka seabo.
Kgothaletso e lokela ho hatella hodima mekgatlo eo e sa itlhophisang hantle mme ebile e se na matla a ho ka hlahisa maikutlo a yona setjhabeng mohl. Mekgatlo ya bafutsanehi, basadi, batho ba sa felleng mmeleng, ba dilemo tse itseng ba kang letlobo le letjha, dikgutsana, le batsofadi jj. Masepala o lokela ho hlwaya dihlopha mme a be a shebe mekgwa eo di ka nkang seabo ka teng Foramong ya Baemedi ya MKN.
E nngwe ya ditsela tsa ho kgothaletsa ho nka seabo ha dihlopha tsena ke ho kenya NGOs (mekgatlo e seng ya mmuso) ka setotswana kapa batho ba nang le bokgoni ba ho ka emela ditabatabelo tsa bona.
Ho nka seabo ha setjhaba ho ka se hlokahale ka mehla nakong eo ho nkuwang dikgato tsa moralo ka yona, mme ha se ditsela tsohle tsa ho nka seabo tse ka dumellanang le mohato ka mong wa moralo. Bakeng la ho fokotsa ditshenyehelo tsa ho nka seabo, mmoho le ho phahamisa sekgahla sa ho nka seabo, metjha ya ho nka seabo e tla lokela ho fapana ho tloha mohatong o itseng ho ya ho o mong. Komiti ya Taolo ya MKN e lokela ho ba le kutlwisiso e ntle ya Tataiso ya III hore ba kgone ho nka qeto ya ho matlafatsa leano la ho nka seabo mmoho le tsebediso e loketseng ya disebediswa tsa ho nka seabo mekgahlelong e fapaneng. Tataiso e latelang e ka thusa mabapi le qeto e ka nkuwang hodima disebediswa tse ka sebediswang bakeng la mehato e fapaneng ya moralo.
Seminara e shebaneng le mawa a sedika, e kenyeletsang baemedi bohle ba masepala, makala a provense le mafapha a mmuso wa naha mmoho le baemedi ba kgethuweng ba nang le seabo, le batho ba fanang ka tshehetso ya ditlhoko.
Foramo ya MKN ya Baemedi mohatong wa selehae.
Ho raosa dingangisano tsa pontsheng ho latela metjha e kang diketsahalo tsa setjhaba tse kang dikhonferense tsa masedinyana le dibaka moo ho tshohlwang tse itseng teng jj.
Mananeo a masepala.
Dikomiti tse nyane tsa setekgeniki tse nang le baemedi ba mmalwa ba kgethilweng ba setjhaba le mekgatlo e nang le seabo.
Dipuisano tse matlafetseng pakeng tsa dikomiti tse nyane le baahi ba amehang.
Dipuisano tse etswang pepeneneng/metjha ya ditherisano ka hara setjhaba/mekgatlo e nang le seabo.
Lenaneo la diketsahalo ke karolo ya Tshebetso ya Moralo e arabang dipotso tsena: se lokelang ho etswa, hona se etswa neng, hore se tla nka nako e kae, mme ke mang ya tla jara boikarabelo, ebile ke mang ya tla sebetsang mme ke ditlhoko dife tse tla hlokeha. Lenaneo la diketsahalo e lokela ho tsejwa ke bohle ba nang le seabo tshebetsong ya moralo wa MKN le tsepamiso ya ona. Ho rala Lenaneo la diketsahalo ke ntlha ya bohlokwa eo ho lokelwang ho ka ikamahanga le yona ebile ho ntse ho utlwisiswa Tataiso ya III le ho sheba Sebopeho sa Sedika. Ha se lesedi kaofela le hlokahalang le tla fumaneha bakeng la ho rala Lenaneo la diketsahalo nakong ya kgato e hlekelang sebae. Diketsahalo tse ding di lokela ho kenyelletswa le ho hlaloswa nakong e tla latela (mohl. ha feela ntlha tse tlang pele di ka tsejwa, ho hlokahala ha hore diketsahalo tsena di sekasekwe ke hona ho tla hlakiswa).
ditshebetso/mesebetsi/diketsahalo bakeng la ho lokisa le ho phethela ketsahalao ka nngwe ya Moralo.
Lebitso la motho ya tla bang le boikarabelo bolaoding, botsamaising le/kapa tokomane ya Diketsahalo tsa Moralo.
Letsatsi la ho qala mmoho le boholo ba nako e lebelletsweng.
Mabitso a batho/dibopeho tse batlang ho kenyelletswa le hore mohl.
Dithloko tse hlokahalang (tse kang ditsebi/sebaka/tsela ya phepo/ditjhelete/diphetolelo) mmoho le ditshenyehelo.
Tsela ya ho hlophisa e hlahiswa Sehlomathisong sa 2.
Lekola diketshahalo kgatong ka nngwe mme ba akanye nako e behilweng ho tswa ho Tataiso ya III mmoho le Kopano e mabapi le ho tsebisa ka tse tswellang pele ka hare ho Sedika.
Ho fana ka tokomane e so phethelweng ya Lenaneo la diketsahalo bakeng la Seminara e mabapi le Sebopeho ya Sedika.
Ho buisana le ho dumellana ka Lenaneo la Sebopeho ya Sedika jwalo ka motheo wa Lenaneo la Masepala.
Amantsha Lenaneo la diketshalo maemong a selehae.
sheba dibopeho tsa mokgatlo le ho hlalosa diabo le maikarabelo ka hara dibopeho tseo.
Ho kenyelletsa diketshahalo tse mabapi le ho kena motjheng (tsepamo).
Kenyelletsa ho nka seabo ha setjhaba qolla dihloko tse batlehang (ditsebi, sebaka, tsela ya phepo).
Dintlha tse lokelang ho shejwa bakeng la nako e behilweng ya Lenaneo la diketsahalo.
Tafole ya Sehlomathiso sa 1e hlahisang Sebopeho sa nako e behilweng e lokela ho shejwa ha ho ralwa Lenaneo la Sebopeho le diketsahalo.
Lenaneo la diketsahalo e lokela ho sheba maemo a selehae (jk makgetlo a dikopano tsa Khansele) mme e ikamahanye le nako ya tshebetso ya ditekanyetso ya masepala, mme ho elwe hloko hore diketsahalo tse ikamahanyang le ditekanyetso di tla nkuwa e le karolo ya tshebetso ya MKN.
Ho etsa bonnete ba hore diphetho tsa tshebetso ya MKN ke tse kgotsofatsang masepala, mme Khansele ya Masepala e tla lokela ho kopa diphetoho diphetong nakong ya tshebetso.
fana ka hlokomediso ho Foramo ya Baemedi ya MKN mabapi le hore tshebetso e ka tswella le ho ka tjhaelwa monwana.
Ho bohlokwa haholo hore nakong eo Masepala a ntseng e sheba diphetho tse itseng tsa tshebetso ya MKN, tshebetso e nne e tswelle mme e se emiswe, le ha diphetho di sa kgotsofatse. Dikananelo tse tswang ho Khansele ya masepala di tla kenyelletswa mme di elwe hloko.
Tshebetso ya moralo ya MKN ke tshebetso ya selehae e batlang ditlasetso tsa mehopolo le tshehetso ho tswa mahlakoreng a mang a mmuso mehatong e fapaneng. Pele ho ka qalwa ka tshebetso ya moralo, bomasepala ba lokela ho utlwisisa hore na ho tsepama kapa ho kena motjheng ho ka fihlellwa feela ha ka ho latela ditsela difeng. Ho ikamahanya kapa hona tsepamo ke sesebediswa se sebetsang jwalo ka sekopanya-ditho, mme se kopanya tshebetso ya moralo ho tloha botlaseng le bohodimong pakeng tsa makala a a fapeneng a mmuso.
Ditsela tsa ho tsepama kapa ho ikamahanya ke ditho tsa Tshebetso ya Moralo mmoho le Sebopeho. Ho lokela ho fihlelwa sena pakeng tsa bomasepala ba selehae le ba sedika, mme mekga e amehang ho keneng motjheng hona e lokela ho tsebiswa.
Pakeng tsa bomasepala le didika tse lokelang ho etsa bonete ba hore tshebetso ya moralo le dintlha tse ding di kopangwa le ho sebetseha hantle. Sedika se na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore tsepamo e teng pakeng tsa bomasepala.
Pakeng tsa masepala wa selehae (bomasepala/didika) le makala a mang, haholo makala a mafapha a naha/provense mmoho le makala a kgwebo a bafani ba ditsheletso (jk Eskomo le telekomo) mme sena se etswa ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le melao mmoho le ditsela tsa naha le diprovense, hore e tle shejwe bakeng la ditekanyetso tsa mafapha. Mafapha a provense a Mmuso wa Selehae a lokela ho bapala karolo ya ho kopanya bakeng la ho etsa hore mahlakore ohle a utlwisisa bohlokwa ba ho tsepama/ikamahanya mmoho le seabo sa ona ka hara tshebetso ya selehae ya MKN.
Lenane la banka-seabo le lokela ho kenyelletswa ka hara tshebetso ya tsepamiso.
Diketsahalo tsa tsepamiso (Jwalo ka phallo ya lesedi mmoho le diketsahalo tsa moralo tse kopantsweng) kgatong ka nngwe ho bolelwa nako le banka-seabo ba lokelang ho kenyelletswa.
Ditsela tsa ho rarolla qaka bakeng la ho kenya motjheng/tsepamisa banka-seabo ba fapaneng.
Tshebetso ya ho fihlella metjha ya tsepamiso eo ho dumellanweng ka yona e dumellana le tshebetso ya kakaretso ya ho fihlella Sebopeho.
Komiti ya Taolo ya MKN hodima tsepamiso e teng ha jwale e batla kopano e mabapi le Sebopeho boemong ba Sedika, mme sena se thehwe hodima mokgwa wa diphuputso wa Tataiso ya III.
Kopanong/seminareng ho etsa lenane le kopantsweng la dithloko tsa tsepamiso, mme ho buisanwe ka ditsela tse tla matlafatsa tsepamiso.
ho dumellana ka ditsela tsa tsepamiso mabapi le nako mmoho le banka-seabo ba tla kenyelletswang.
Ho sisinya bakeng la dingangisano mmoho le diqeto ka ditsela tsa ho rarolla diqaka kapa diphapano pakeng tsa bomasepala ba selehae le ba sedika.
Masepala wa sedika a ikopanye ka tsela ya dikopano, mangolo le mafapha a diprovense le a mmuso wa naha mmoho le bafani ba ditshebeletso ba kgwebo. Lebaka la dikopano ke ho hlakisa dithloko tsa masepala le tsa sedika tse mabapi le tsepamiso mme a dumellane le bona ka ditsela tse ka shejwang.
Masepala ka mong a lekole ka moo tsepamiso e leng ka teng ha a rala lenaneo la ketsahalo le nako e behilweng.
Ditlhoko tsa tsepamiso/boikamahanyo di lokela ho fokotswa hore ditlhoko tsa ho hokahanya di be maemong a ka laolehang.
Ditsela tse fapaneng tsa tsepamiso di tla loka bakeng la ditlhoko tse fapaneng tsa tsepamiso kgatong tse fapaneng.
ho etsa hore diketsahalo tsa tsepamiso (diseminara le dikopano) di be mmalwa ka lebalka la nako le ditjhelete tse batlehang kopanong ka nngwe.
Ho sebedisa tsela ya dikgokahanyo e amang mmui le mmuiswa ka nako e le nngwe - founu/ eleketroniki/mmoho le tsela ya ho ngola.
Diketsahala tse nang le batho ba bangata ba hlahang makaleng a fapaneng hangata di tla batla motsamaise wa makgonthe ya tsebang taba tsa bona. Motsamaise o lokela ho ngola tsohle tse mabapi le sepheto.
Tsepamiso hodima mafapha a provense e ka nna ya fihlelwa ha diprovense di tjhakela didika.
Ho thehwa ha sebopeho se kenyang diprovense, didika le bomasepala e ka ba tsela ya bohlokwa e ka amohelehelang.
Bomasepala ba selehae le sedika ba ka kena motjheng ka ho utlwana le baahisane le bona ba bomasepala ba bang mabapi le ntlha tse ba amang.
Molaodi wa MKN wa Khansele ya sedika le Molaodi wa Komiti ya Taolo ya MKN.
Bahlanka ba phahameng ba tswang makaleng a bafani ba ditshebeletso (Eskomo, Boto ya Metsi, le Telekomo).
Sebopeho sa Bolaodi bo sisintsweng ho etsa bonnete ba hore tsepamiso e kengwa tshebetsong.
Bakeng la mefuta e mmedi ya tsepamiso, (pakeng tsa bomasepala le didika tse nepahaneng/pakeng tsa mmuso wa selehae le mahlakore/bafani ba ditshebeletso) boikaranbelo bo ka sehlohong bo hodima masepala wa Sedika.
Molaodi wa MKNo lokela ho tiisa tsepamiso e mabapi le ditaba tsa selehae.
Lefapha la Mmuso wa selehae wa Provense o bapala karolo e kgolo jwalo ka mohokahanyi ho tiisa tsepamiso boemong bo ka hodimo ho kgato ya Sedika le pakeng tsa didika ka hara provense.
Moo ba nang le sebaka se lekaneng, dibaka tsa PIMS tse thehilweng boemong ba Sedika, di ka tshehetsa bolaodi ba tshebetso e malebana le tsepamiso.
Didika tse se nang dibaka tsa PIMS di lokela ho kgetha motho ya nang le boikarabelo ho laola tshebetso ya tsepamo.
mo ho nang le bommasela ba Sedika ba sa sebetseng hantle, (mohl. Didika tse ntjha tse qetang ho thehwa), bomasepala ba lokela ho kgetha masepala ya nang le boikarabelo mmoho le motho ka hara masepala ya tla laola tshebetso lebitsong la bomasepala ka hara Masepala wa sedika.
Tsepamiso e sisintsweng ho latela kgato ka nngwe.
Ho latela boleng ba kgato ka nngwe, tsepamiso e ka ba ya bohlokwa haholo kapa ya se ke ya eba bohlokwa, mme ditsela tse tshwanetseng le tsona di tla fapana. Tafole ena e etsa tsitshinyo mabapi le bonyane ditlhoko tsa tsepamiso bakeng la mefuta e mmedi ya ditsepamiso kgatong ka nngwe. Nako e behilweng e hlahiswang tafoleng, e hlalosa Lenaneo la nako e hoketsweng Sehlomathisong sa 1.
Mananeo a makala tlasa boikarabelo ba makala mafapheng a provense/ a naha.
Ho bokella Kgutsufatso MKN ya lehae boemong ba Sedika.
Ho etsa hore melao yohle e tlamang boemeong ba naha le ba provense, ho kenyelletswa ditheo, mananeo, ditsela mmoho le ditjhelete tse ka fumanehang di a shejwa tshebetsong ya moralo wa MKN, bomasepala ba lokela hore ba ele hloko lesedi lena le nepaneng. Hore ho phahamiswe tshebetso, mme ho fokotswe ditshenyehelo, Didika di lokela ho fana ka lesedi le batlehang ho bomasepala.
Lenane le kopantsweng la Sedika la molao o tlamang wa mmuso wa naha le wa provense ho kenyelletswa sehlopha sa ditlhoko (tlhoko tsa semolao bakeng la moralo wa masepala , tlhoko ya semolao jwalo ka karolo ya MKN, e dumellanang le sebopeho seo e leng sa molao) (lenane le sisintsweng molaong wa naha, ikamahaye le sehlomathiso sa 3).
Lenane la ditheo tsohle , mananeo mmoho le ditokomane.
Mmsepala wa sedika ka tshehetso ya Mohokahanyi wa provense wa MKN o lokisa lenane la Molao wa Provense mmoho le lesedi la bohlokwa la Provense le naha bakeng la Seminara e mabapi le Sebopeho.
Masepala wa sedika o fana ka lenane Seminareng ya Sebopeho mme o thusa bomasepala hore ba tlwaele ditlhoko tsa makala a mafapha a provense mmoho le ditheo/mananeo/ditjhelete/le batho bao ho ka ikopangwang le bona.
Sebedisa monyetla wa ho ikopanya le mafapha a mmuso wa provense le naha ho theha dikamano bakeng la tsepamiso le ho hlalosa bohlokwa ba lesedi hodima ditheo, mananeo le ditjhelete ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le ditlhoko tsa makala mme e ka boela ya ngoka ditekanyetso tsa makala ao.
Ditshenyehelo bakeng la tshebetso ya MKN di lokela ho lekangwa ke masepala. Ditekanyetso di sebetsa jwalo ka motheo bakeng la ho etsa kopo ya ditjhelete ho tswa boemong ba provense le ba naha. Di ka boela tsa thusa bolaodi ba masepala ho sheba hore ebe ditshenyehelo tsa tshebetso ke tse utlwahalang ho ikamahantswe le dintlha tse ding tsa ditekanyetso. Mabapi le moo ditshenyehelo tsa moralo di leng hodimo ka tsela e sa amoheleheng, ho lokela ho shejwa Tshebetso ya Moralo hore ho fihlellwe tshebetso e tlase mabapi le ditshenyehelo, kapa ho shejwe ditlatsetso ho tswa mehloding e meng.
Lenane la ditshenyehelo ho latela tshenyehelo yuniti ka nngwe, bongata ba diyuniti ho latela ntlha ka nngwe ya tshenyehelo.
Ditshenyehelo tsa motsamaisi/monolofatsi qakeng.
Ditshenyehelo tsa ho phatlalatswa lesedi.
Ditlhoko tse batlehang di lokela ho bontshwa ka hara lenaneo la nako e behilweng le Ditlhoko tse batlehang@ bakeng la diketsahalo tse tsa sehloho tsa moralo.
Ho shebile tafole, ditshenyehelo di ka sebetswa tsa ba tsa kgutsufatswa ke mofuta wa tshenyehelo.
Mabapi le moo ditshenyehelo kaofela di leng boemong bo hodimo, Komiti ya Taolo e tla buisana ka ditsela le mekgwa ho fokotsa ditshenyehelo, mme sena se ka etswa ka ho shejwa mekgwa e tlase ya ho beha ditshenyehelo e le hore ketsahalo ya ho rala e fihlelwe, kapa ho nyehlisa ditsela tseo diketsahalo tsa moralo di ralwang ka yona.
Ha ho bonolo ho noha ditshenyehelo kaofela pele ho ka qalwa ka tshebetso ya moralo, mme ditekanyetso tsa tshebetso ya MKN di tla etswa feela e le boinahanelo ba ho ka lekanyetsa.
Ditlhoko mabapai le lesedi kamehla di hodimo ka tefello. Sena se bonahala e le nnete haholo dibakeng tsa mahae moo batho ba teng ba fumanang lesedi le nang le meedi. Maemong a tjena, ho lokela ho elwa hloko hore ha se lesedi kaofela le nepaneng le ka bokellawang nakong ya tshebetso ya pele ya MKN ya Masepala ya motjha. Moralo o nepahetseng o ka etswa ho latela ho lekanyetswa ho tswileng matsoho.
Ditshenyehelo tsa ho nka seabo di ka behwa boemong bo amohelehang ha feela ba lokelang ho ba nang le seabo ba hlokomediswa hore ke molemong wa bona hore ba kenele tshebetso ya moralo, ebile sena ha se mosebetsi oo ba lebelletseng hore ba o ka o lefellwa ha ba o etsa.
Ho teng bongata ba mafapha mmoho le baeletsi ba fumanang karolo ya bona ya ditlhoko tsa moralo tse phuthetsweng ke MKN. Ba bang ba baeletsi bana ba kang (DLA, DWAF, CMIP, LED, ISRD,) ba lebeletswe ho lefa karolo ya ditshenyehelo tsa moralo, mme ho kgothalletswa hore ditshenyehelo tsa moralo di haloswe ho latela dithloko tsa bona.
Sebopeho ke tataiso e kgolo ebile ke ya bohlokwa bakeng la ho tsepamisa tsebetso ya moralo pakeng tsa bomasepala le pakeng tsa bomasepala le didika tse nepaneng. Sebopeho se lokela ho ntshetswa pele ka tsela ya diseminara tse kopantsweng, mme sena se tlama didika mmoho le bomasepala ba selehae maoto le matsoho.
Ditsela mmoho le metjha e latelwang bakeng la tsepamiso le ho ya bathong ba bang ka maikemisetso a ho fumana lesedi (sheba kgaolo ya 6).
Morero o tlamang semolao mmoho le Ditlhoko tsa Moralo (sheba kgaolo ya 7).
Ditsela mmoho le metjha e latelwang bakeng la ho beha leihlo Tshebetso ya moralo le ho fetolwa ha Sebopeho.
Molao (Dibopeho tsa Masepala le Molao wa Dihlohlomiso tsa boMasepala).
Masepala o kgwaritsa lenaneong e so phetheheng e nang le dihloko tsa tsepamiso.
Didika di lokela ho etsa seminara e tla kenya lenane la melao e tlamang mmoho le dithloko tsa moralo.
Ho kopangwa ha mananeo le ho dumellana ka Lenaneo la sebopeho.
Ho buisana le ho dumellana ka molao o tlamang le ditokomane tse nepaneng.
Khansele ya Sedika e amohela Sebopeho.
Sebopeho se lokela ho lekolwa ke bomasepala bohle ba ka hara meedi ya sedika ha ba ntse ba lokisa Tshebetso ya moralo.
Lenaneo la Sebopeho ke kgutsufatso ya Lenaneo la diketshahalo tsa sedika le Lenaneo la diketsahalo sa Masepala, mme e shebane le diketsahalo tse phatlalletseng tsa sedika tse lokelang ho phethahatswa mmoho ka tsela e hokahanyang (mohl. Seminara e mabapi le mawa ya sedika). Ka mantswe a mang, ke sesebediswa bakeng la tsepamiso pakeng tsa bomasepala le didika tse nepaneng.
Ditheo le metjha bakeng la ho beha leihlo ka hara Tshebetso ya Moralo le ho fetolwa ha Sebopeho.
Masepala ka mong o tla ba le boikarabelo bakeng la ho beha leihlo ka hara tshebetso ya Moralo wa ona ho etsa bonnete ba hore Lenaneo la Sebopeho e ntse e le motjheng jwalo ka ha ho dumellanwe.
Metjha e latelwang e hlahisitsweng bakeng la ho kgeloha.
Theha Komiti ya Balaodi ba MKN e kopanang ka mora mohato ka mong, lebaka ke ho sheba tswelopele hore ho nkwe diqeto ka diphetoho tse ka bang teng.
Masepala ka mong a tsebise Masepala wa Sedika ka ho tswa lekoteng/kgeloha mabapi le Lenaneo la mehato e tla latela e ka amang diketshahalo tsa Sedika mohl. ho hlwauwa ha dintlha tsa Masepala tse lokelang ho tla pele tse salletseng morao mmoho le mawa a sedika a lokelang ho behelwa nako e tlang.
Bomasepala kaofela ba lokela ho dumellana pele Sebopeho se ka fetolwa.
Moralo wa ketsahalo 1/1?
Mohato wa tshekatsheko o lokela ho nka palohare ya dikgwedi tse tharo hore o fele.
Mohato o shebaneng le mawa o lokela ho nka palohare ya dikgwedi tse pedi ho fihla pheletsong.
Mohato wa diprojeke o lokela ho nka palahare ya dikgwedi tse 2 ho fihla pheletsong.
III/10: Ditshenyehelo/Ditekanyetso/mehlodi ya tjhelete.
Mohato wa ho kopangwa o lokela ho nka bonyane palohare ya dibeke tse 6 ho ka phethahatswa.
Mohato wa ho tjhaela monwana o lokela ho nka bonyane dibeke tse 6 bakeng la ho fetisetswa ho letona.
Moralo wa Transporoto/dipalangwang o kopantsweng.
Mawa a kaho ya matlo le palo e lokelang ho fihlellwa.
Molao o mabapi le Ditheo tsa Taolo ya Tikoloho.
<fn>sot_Article_National Language Services_TEKANO MOSEBETSING LE.txt</fn>
Tekano Mosebetsing ke eng?
le phethathatso ya mehato ya tokiso ho rarolla mathata a mosebetsi ao batho ba tswang dihlopheng tse itseng the qoholotsweng ba thulanang le ona, ka morero wa ho netefatsa hore ho na le boemedi ba bona bo lekanang mekgahlelong yohle ya mosebetsi le maemong a moifo wa tshebetso.?
Sepheo sa Molao wa Tekano Mosebetsing ke sefe?
Ho rotetsa boitlamo ba Rephaboliki jwalo ka setho sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi.
Ke mang ya sireleditsweng ke molao?
Molao ona o sebetsa ho basebetsi kaofela ho kenyeleditswe le ho beng ba mosebetsi mesebetsing ya praevete le ya setjhaba. Kgaolo ya thibelo ya kgethollo e nang le leeme e sebetsa ho beng ba mosebetsi kaofela, ha kgaolo ya mehato ya tokiso e sebetsa feela ho beng ba mosebetsi ba hlwauweng.
Ke mang ya sa sireletswang ke Molao ona?
Balaodi le moifo wa Comsec.
Ho latela Molao, kgethollo e hlokang toka ke e jwang?
Kgethollo e hlokang toka ke mofuta ofe kapa ofe wa kgethollo e hlokang toka ho latela le leng la mabaka a latelang: botjhaba, bong, botona kapa botshehadi, boimana, boemo ba lenyalo, boikarabelo ba lelapa, setso kapa setjhaba seo o tabohang ho sona, lebala, tshekamelo tsa botona kapa botshehadi, dilemo, kgolofalo, tumelo, boemo ba HIV, maikutlo a kgetho ya se nepahetseng le se fosahetseng, kgolo, maikutlo a dipolotiki, botjhaba, puo le tswalo (karolo ya 6 ya Molao wa Tekano Mosebetsing).
Kgethollo e hlokang leeme ke eng ho latela Molao?
Ho kgetholla, ho tehela ka thoko kapa ho kgetha motho ofe kapa ofe ho latela motheo wa tlhoko e matahantsweng le mosebetsi.
Mehato ya tokiso ho latela Molao ke efe?
Molao o hlalosa hore mehato ya tokiso ke mehato e reretsweng ho netefatsa hore motho ya lokelang ya tswang sehlopheng se itseng se qoholehileng o fumana menyetla e lekanang ya mosebetsi mme batho bana ba fumana boemedi bo lekanang mekgeng ya mosebetsi le maemong a sebaka sa tshebetso sa monga mosebetsi ya qoholehileng.
Ditlhoko tse matahantsweng le mosebetsi ke dife?
Beng ba mosebetsi le bona ba ka nna ba kgona ho arabela kgethollong e nang le leeme e bolediswang ka ho bontsha hore leano, molawana kapa tlwaelo e na le toka ho latela motheo wa makgetholli a itseng kapa dipabolo tse hlokehang tsa ho etsa mosebetsi oo.
Kgethollo e otlolohileng ke eng?
Kgethollo e otlolohileng e etsahala ha motho a sa tshwarwa hantle ho feta e mong boemong bo bapisehang bo thehilweng ho a mang a mabaka a hlahisitsweng lenaneng karolong ya 6 kapa ho latela lebaka lefe kapa lefe le leng feela (ekasitana le ha lebaka lena le sa hlahe lenaneng).
Kgethollo e sa otlolohang e bolela maano le ditlwaelo tse bohareng tse sa kgeseng batho ka tsela e totobetseng ho latela motheo wa mabaka afe kapa afe a hlahang lenaneng (le mabaka a ka bang teng a sa hlaheng lenaneng la Molao) empa a na le tshwaetso ya kgethollo dihlopheng tse ikgethang kapa ho batho ba itseng.
Tlhekefetso ho latela Molao ke eng?
Tlhekefetso e ka hlaloswa e le paterone kapa tlwaelo ya maikutlo a tenang kapa boitshwaro bo kapa bo lokelang hore e be bo a tsejwa hore ha bo amohelehe. Ka mantswe a mang ke boitshwaro, bo halefisang kapa bo tenang molli kapa motletlebi bo tsejwang kapa bo lokelang ho tsejwa hore ha bo thabelwe.
Molao wa Tekano Mosebetsing o sebetsana le tlhekefetso ka mokgwa o jwang?
Molao wa Tekano Mosebetsing o sebetsana le tlhekefetso jwalo ka mofuta wa kgethollo e nang le leeme mme ka hoo beng ba mosebetsi ba tlameha ho nka mehato ho fedisa le ho thibela tlhekefetso sebakeng sa mosebetsi. Moo tlhekefetso e etsahalang nakong ya mosebetsi e tliswang tlhokomelong ya ramosebetsi mme ramosebetsi a sa nke mehato e loketseng ho rarolla bothata bona, ramosebetsi o tla jara boikarabelo ba tlhekefetso eo. Jwalo ka mefuta kaofela ya kgethollo, moo ho bolediswang kgethollo teng, ramosebetsi o lokela ho bontsha hore ho ne ho se na kgethollo kapa kgethollo eo e ne e na le toka.
Tsepamisitse hore tlhatlhobo e jwalo e na le toka.
Behile dipehelo tse amanang le mekgahlelo ya basebetsi ba ka hlahlobuwang, nako eo tlhatlhobo ena e sebetsang ka yona, le dipotso tse potapotileng taba ya ho bolokwa ha lesedi lena e le sephiri.
Ditlhoko tsa ditherisano tsa Molao ke dife?
tlhophiso ya tlaleho ya tekano mosebetsing.
Boramosebetsi ba bang ba tla hloka ho lekola ka moo ba lokelang ho hlalosa sebaka sa mosebetsi ka teng ka sepheo sa Molao. Molao ha o hlakise hantle, mohlala, hore naa feme e nngwe le e nngwe eo eleng ya khampani e lokela ho ba le ditherisano tse ka thoko kapa tshebetso e ikemetseng ya moralo, kapa tshebetso e le nngwe e akaretsang tseo tsohle e tla anela. Boramosebetsi ba ka nna ba lakatsa ho buisana le mekgatlo ya basebetsi ka ntlha ena, le ha qetellong batsamaisi ba na le hona ho ka etsa qeto ya hore ba tla tshwara dipuisano le basebetsi ba boemo bofe?
Thibelo ya Tekano Mosebetsing ke efe?
Thibelo e teng moo leano, tlwaelo kapa karolo ya tikoloho ya mosebetsi e sitisang menyetla ya basebetsi hobane e le basebetsi ba tswang dihlopheng tse qoholehileng.
Tlhoko ya tlaleho ya Tekano Mosebetsing ke efe?
Beng ba mesebetsi ba tshwanetse ho nehelana ka tlaleho ya bona ya pele ho Molaodi Kakaretso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa nako ya tshebetso ya Molao (eleng hore moralo o sebetsa ho tloha ka Phupjane 2000), kapa mohla ba fetohileng boramosebetsi ba qoholehileng mme ba nehelane ka tlaleho selemo le selemo ka morao ho moo letsatsing la pele la kgwedi ya Mphalane.
Ditlaleho di lokela ho ba le dikarolo tse hlokehang mme di saenwe ke Mohlanka e Moholo wa Phethiso.
Boramosebetsi ba qoholehileng bao eleng dikhampani tsa setjhaba ba lokela ho phatlalatsa kgutsufatso ya tlaleho ya bona jwalo ka karolo ya tlaleho ya bona ya ditjhelete ya selemo le selemo.
Ditlaleho tse hlophisitsweng ke makala a Mmuso di lokela ho tekwa ka pele ho palamente.
Molao o tadima boinyalanyo le molao jwang?
Molao o toboketsa boitaolo le ho beha boikarabelo ho basebetsi le baemedi ba bona ho hlahisa lentswe la bona hore le utlwahale ha ba dumela hore ramosebetsi wa bona ha ikamahanye le Molao.
Ho tehelwa ka thoko hore khampani e ka fumana dikonteraka tsa mmuso.
Tshenyeho ya lebitso le letle la khampani.
<fn>sot_Article_National Language Services_TEKANO YA BONG LE MOL.txt</fn>
Hobaneng ho ile ha fetiswa Molao wa Tekano?
Molao ona o ile wa fetiswa hore ho fanwe ka matla a molao a tokelo ya tekano e fuperweng ke karolo ya 9 ya Molao wa motheo. Maikemisetso ka kakaretso mona ke ho fedisa kgethollo e nang le leeme le ho kgothaletsa tekano ka ho kenya tshebetsong mekgwa e sebetsang hantle ya ho fetisa ditletlebo.
Ha mokopi a se a butse nyewe e nang le monyetla wa kgethollo, boikarabelo ba bopaki bo itshetlehile ho moqosuwa hore a bontshe hore ho ne ho se na kgethollo jwalo ka ha ho bolediswa kapa boitshwaro ha bo a thehwa ho e nngwe ya ntho kapa ya dintho tse thibetsweng.
Phofu ya kgethollo e lokela ho latela motjha ofe wa tatello ya nyewe ho latela Molao ona?
Khomishene ya Tekano ya Bong.
Motletlebi a ka leba ho tlelereke ya Lekgotla la Tekano ho ya kenya tletlebo ka ho sebedisa foromo e laeletswang. Tlelereke ya Lekgotla la Tekano e tla thusa phofu ka ho sebetsana le tletlebo ena.
Ke mofuta ofe wa phekolo eo Lekgotla la Tekano le ka laelang hore e be teng?
Lekgotla la Tekano le na le matla a ho fuputsa kopo ho latela Molao le ho fana ka taelo e loketseng tlasa maemo a phuputso e jwalo. Ditaelo tse ka etswang, di kenyeletsa taelo tsa nakwana le tse phatlaladitsweng, ho laela hore ho lefuwe ditshenyehelo, ho laela hore ho kopuwe tshwarelo ntle le pehelo dife kapa dife le ho etsa hore tumellano ya tharollo ya qaka e dipakeng tsa mahlakore a amehang e fetohe taelo ya lekgotla.
Kgweletso ya Ditokelo tsa Botho ya Lefatshe ka Bophara (Kgweletso) e ileng ya amohelwa le ho phatlalatswa ka la 10 December ka 1948 ke Palamente ya Matjhaba a Kopaneng, e tshwaya tshimoloho ya sebele ya kananelo ya matjhaba ya ditokelo tsa botho. Kgweletso ena e tshwaya le pheletso ya kgopolo ya hore mmuso wa sebele o ka ba teng o itshehlile thajana ditjhabeng tsa lefatshe ebile o ntshetsa pele kapa o okametse kgatakelo ya ditokelo tsa batho ntle le hore mmuso ofe kapa ofe o mong o hlahise makutlo. Kgweletso e ne e le karabelo ya histori ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe ka ho ikgetha dipolao tse sehloho tsa Jeremane ya Manazi?
Kgweletso ena ha e a rerelwa hore e be le tshwaetso e tlamang ya molao dinaheng tse ileng tsa e amohela. E emetse tlhahiso ya maikutlo a tshwanang a dinaha tse tshehetsang Kgweletso ena. E fetohile sekala se sebedisetswang ho lekanya melao ya motheo le ho hlahloba ditlolo tse bolelwang tsa ditokelo tsa botho. E eteletse pele tswalo ya se bitswang hore ke tlwaelo ya ditokelo tsa botho tseo ho ya ka tsona batho feela ba tlwaelehileng ba kgonang ho ipiletsa ho mohopolo wa lefatshe ka bophara wa tshwaro e nang le toka?
Ditokelo tsa botho ke eng?
Ditokelo tsa botho ke e nngwe ya ditshiya tse kgolo tsa demokrasi. Di hlalositswe e le metheo e amohelehang ka kakaretso ya tlhokeho ya leeme le toka kapa ditokelo tse amohelehang lefatsheng ka bophara tsa botho tseo eleng tsa batho bohle ka ho lekana hobane e le batho.?
Tokelo e lokela hore e arohanngwe le bolokolohi le ha ditokelo ha mmoho le bolokolohi ka tlwaelo di hlaha Biling ya Ditokelo. Tokelo ke ntho eo ho tshwanetseng hore ho fanwe ka yona, ntho eo molao o e ananelang e le ya hao (mohlala tekano, seriti). Tokelo ke ntho e o loketseng ho lebella hore dintho tse itseng kapa ditabatabelo tseo setjhaba se di ananelang e le tse ntle, di keke tsa tloswa ho wena.
Bili ya Ditokelo e sebetsa melawaneng kaofela, mme e tlama Makgotla a etsang molao, a Phethiso, le Molao ha mmoho le mekgatlo kaofela ya mmuso.
Pallo ya Bili ya Ditokelo e tlama motho feela kapa motho wa molao ho fihlela moo ebang ho lokela teng, ho ntse ho nkeletswe hlohong sebopeho sa tokelo le sebopeho sa boikarabelo bofe kapa bofe bo behwang ke tokelo.
Bongata ba ditokelo ho Bili ya Ditokelo bo sireletsa bohle.
Motho wa molao o na le tokelo Biling tsa Ditokelo ho fihlela moo ho hlokehang ho latela sebopeho sa ditokelo le sebopeho sa motho wa molao.
Ditokelo Biling ya Ditokelo di ka sehelwa moedi feela ho latela molao o sebediswang ka kakaretso ho fihlela moo moedi ona o utlwahalang teng ebile o na le toka setjhabeng se bulehileng ebile e le sa demokrasi mabapi le seriti sa motho, tekano le bolokolohi, ho nkeletswe hlohong le mabaka a loketseng kaofela.
Molao wa Tekano o ile wa hlapanyetswa ka la 2 Hlakola 2000. O ile wa simolla ho sebetsa ka la 16 Phupjane 2003.
Boikemisetso ke ho fana ka matla karolong ya 9 ya Molao wa motheo e le thibela le ho sitisa kgethollo e nang le leeme le tlhekefetso ho kgothaletsa tekano le o fedisa kgethollo e nang le leeme, ho thibela le ho sitisa puo e nang le lehloyo.
Molao o tlama mmuso le batho bohle. Molao ha o sebetse ho motho ofe kapa ofe oo Molao wa Tekano ya Mosebetsi e sebetsang ho yena le ho fihlella ho yena.
Ha ho na le qabang e amanang le taba efe kapa efe e ileng ya sebetswa ho latela Molao wa Tekano e hlahang dipakeng tsa Molao le pallo ya molao ofe kapa ofe, ntle le Molao wa motheo kapa Molao wa palamente o fetolang ka tsela e hlakileng Molao, pallo tsa Molao di lokela ho behwa ka pele.
Kgethollo ke eng?
Kgethollo e bolela ketso efe kapa efe kapa phoso, ho kenyeletswa le leano, molao, molawana, tlwaelo, boemo, maemo a ditaba ao ka mokgwa o otlolohileng ka a o sa otlolohang?
Kgethollo e ka bakwa ke boitshwaro bo sebediswang (eleng ketso efe kapa efe) kapa ho hloleha ho etsa kapa ho se etse ho hong (eleng phoso)?
Kgethollo e ka tswalwa ke leano, molao, tlwaelo, boemo, kapa maemo a ditaba.
Kgethollo e ka etswa ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang. Kgethollo e otlolohileng e etswa ka tsela e seng ntle kapa ka ho tshwaro e kgethollang ka lebaka la le leng la mabaka a hlahisitsweng lenaneng le fumanehang karolong ya 1 ya Molao. Kgethollo e etswang ka mokgwa o sa otlolohang ha e kgethollwe batho ka tsela e itlhalosang ho latela lebaka lefe kapa lefe le hlahang lenaneng (le lebaka lefe kapa lefe le sa hlahang lenaneng karolong ya 1 ya Molao) empa le na le tshwaetso ya kgethollo sehlopheng sa batho se itseng kapa mothong ya itseng.
baka bothata ba ho belesa motho morwalo o itseng, boitlamo kapa ho mo tima menyetla; kapa etsa hore ho be le kgaello ka ho thibela motho ho fumana melemo, menyetla kapa melemo.
Mabaka a kgethollo ke afe?
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e na le matla ho latela Molao wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho wa 1994 a ho mamela ditletlebo tse amanang le kgethollo mme e amohelwa e le foramo e nngwe ho latela Molao wa Tekano.
Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla ho latela Molao wa Khomishene ya Tekano ya Bong a ho mamela ditletlebo tse amanang le kgethollo ya batho ho latela hore ke basadi kapa ke banna (bong) mme e amohela e le foramo e nngwe ho ya ka Molao wa Tekano.
ketso kapa phoso e etswang ke motho ya etsang mosebetsi wa setjhaba e qetellang e tlisitse leeme le sa lokelang mothong e mong.
Lekgotla la Molao wa Motheo le na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo.
Lekgotla le Leholo la Boipiletso le na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo.
Lekgotla le Phahameng le boetse le na le matla a ho dula jwalo ka Lekgotla la Tekano ho latela Molao.
Makgotla a Bomakgistrata a na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo. Dikarolo tsa 1 le 16 tsa Molao wa Tekano di qaqisa hore Lekgotla la Makgistrata ke Lekgotla la Tekano.
Lekgotla la Boipiletso la Basebetsi le na le matla a taolo hodima diteleko tsa kgethollo (diteleko tse totobetseng tsa leeme) le diketso tsa kgethollo e nang le leeme, tse etsahalang dibakeng tsa mosebetsi.
Lekgotla la Basebetsi le na le matla a taolo telekong tsa kgethollo (diteleko tse totobetseng tsa leeme) le diketsong tsa kgethollo e nang le leeme dibakeng tsa mosebetsi.
Khomishene ya Puisano tsa Poelano le Tharollo (CCMA) e na le matla a taolo telekong tsa kgethollo (telekong tse totobetseng tsa leeme) le diketsong tsa kgethollo tse etsahalang mosebetsing bakeng sa ho tlisa poelano fela.
Lekgotla la Ditseko tsa Mobu le thehilwe ho latela karolo ya 22 ya Molao wa Kabo le Ditokelo tsa Mobu le karolo ya 166(c) ya Molao wa motheo ho etsa monyetla wa kabo ya ditokelo tsa mobu bathong kapa ditjhabeng tse ileng tsa nkelwa ditokelo tsa bona tse jwalo ka morao ho la 19 Phupjane 1913 ka lebaka la melao e fetileng ya kgethollo ya batho ho latela morabe kapa ditlwaelo.
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke e nngwe ya Institjhushene tsa Kgaolo ya 9 tse Tshehetsang Demokrasi ya Molao wa motheo e hlahang karolong ya 181 ya Molao wa motheo. Matla a yona a thomo ho latela molao wa motheo ke ho kgothaletsa tlhompho ya tekano ya bong le tshireletso, ntshetsopele le ho fihlellwa ha tekano ya bong.
CGE e ikemetse mme e sebetsa feela ho latela Molao wa motheo le molao. E lokela hore e hloke leeme mme e sebedise matla a yona ntle le tshabo, thuso kapa leeme2 E laolwa ke Molao wa Khomishene ya Tekano ya Bong wa 19963 o tsepamisang hantle matla a yona a batsi le msebetsi ya yona.
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) e na le matla a bohlokwa a amanang le ho fuputsa tlhokeho ya tekano ya bong.
sebedisa matla a taelo e ntshitsweng ke makgistrata kapa moahlodi ho fuputsa motho ofe kapa ofe, ho kena le ho fuputsa sebaka sefe kapa sefe le ho hapa kapa ho nka ntho efe kapa efe mothong kapa sebakeng eleng ntho e nang le kamano le diphuputso.
Matla a Khomishene a tsheheditswe ke qobello ya tlolo ya molao mme ho hloleha ho sebedisana le diphuputso tsa Khomishene ho nkwa e le tlolo ya molao le ho jara boikarabelo ba kotlo ya tefiso bakeng sa molato kapa ho hlola tjhankaneng dikgweding tse fihlang ho tse 6.
Khomishene nakong efe kapa efe, e ka atamela Mopresidente kapa Palamente mabapi le taba efe kapa efe e amanang le tshebediso ya matla a yona kapa tshebetso ya mesebetsi ya yona. Khomishene e lokela ho tlalehela Mopresidente ka tsa tshebetso ya yona le tseo e di fihleletseng selemo le selemo mme Mopresidente yena o lokela ho nehelana ka tlaleho ena palamenteng ka potlako. Khomishene e ka nna ya nehelana ka tlaleho efe kapa efe ho Mopresidente kapa palamente neng kapa neng.
Khomishene ya Tekano ya Bong e ka hlahlela nyewe tlasa Molao wa Kgothaletso ya Tekano le Thibelo ya Kgethollo e nang le Leeme, mohlomong ka thahasello ya yona, molemong wa setjhaba kapa lebitsong la motho e mong kapa molemong wa sehlopha sefe kapa sefe sa mokga wa batho o qoholotsweng.
Ho feta mona, Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke foramo e nngwe bakeng sa Molao oo. Hona ho bolela hore mohlanka ya tsamaisang Lekgotla la Tekano a ka nna a fetisetsa taba e itseng ho CGE hore e sebetswe ho latela matla le mesebetsi ya Khomishene ya Tekano ya Bong.
Karolo ya 181 , Molao wa motheo.
Molao wa 39 wa 1996.
Karolo ya 12, Molao wa Khomishene ya Tekano wa 39 wa 1996.
Karolo ya 13, Molao wa Khomishene ya Tekano wa 39 wa 1996.
<fn>sot_Article_National Language Services_THIBELANG!.txt</fn>
Le kotjwa hore le tshehetse ba Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa ka nako ena ya mafelo a selemo mme le thuse ho bopa tikoloho e bolokehileng bakeng sa bohle.
Setsi sa Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa sa 10111 se ikemiseditse ho fana ka tshebeletso e tswileng matsoho, empa se hloka tshehetso ya lona.
Sebedisa dinomoro tsena tsa 10111 tsa tshohanyetso tlasa maemo a tshohanyetso feela.
Ruta bana ba hao ka sephetho sa ho letsa mehala eo e seng ya nnete ba e letsetsa dinomorong tsa 10111.
Mohala o jwalo e ka nna ba o thibile mola wa thelefounu eo, mme mohlomong o sitisa motho ya leng bothateng bo boholo bo hlokang thuso ya maponesa.
Ditletlebo tse diketsahalo tse seng mpe haholo di ka tlalehwa ka ho toba seteisheneng se haufi sa maponesa.
O se ke wa letsetsa nomoro ena ya tshohanyetso ya 10111 bakeng la ho botsa feela dintho ka kakaretso empa letsetsa seteishene se haufi le wena sa maponesa?
Dintlha tse ding tsa bohlokwa tse jwalo ka palo ya babelaelwa, tlhaloso ya mmelaelwa/babelaelwa, le hore na mmelaelwa/babelaelwa ba ne ba hlomme na, le hore na ba balehetse ka nqeng efe, ha o tseba.
Leka ho boloka puisano eo ya lona e le kgutshwane ka ho ya ka moo o ka kgonang. Le ha ho le jwalo, motho ya tla tshwara mohala wa hao o hloka dintlha tse supang hore o boemong ba tshohanyetso bakeng la ho etsa bonnete ba hore o bolokehile le hore maponesa a arabela ka potlako.
Etsa bonnete ba hore nomoro ya hao ya seterata e kgolo mme e ya bonahala le ha o le seterateng.
Mabitso a diterata a tshwanetse ho bonahala, ha a sa bonahale, tsebisa ba lekgotla la heno la motse ka potlako ka ho ya ka moo o ka kgonang.
<fn>sot_Article_National Language Services_THUTO YA BENG BA BODU.txt</fn>
Ho sebedisa morero wa Breaking New Ground wa thuso ya Phumantsho ya ka Matlo ka mananeo a thupelo a ho rala le ho lekola a rerilweng ka dintlha tse fapaneng tsa ho batla matlo (ho kenyeletswa matlo ao ho phelwang mmoho ho ona, ntlafatso ya mekhukhu, jj)?
Ho ntlafatsa ho tswela pele ha ntlo e le karolo e teng ya moo ho phelwang ho yona.
Ho phatlalatswa ha lenaneo la thuto ya setjhaba thupelo naheng ka bophara.
Mananeo a mang a mmuso a reretsweng matlafatso ya setjhaba le phahamiso ya matla a phedisano ho bomasepala (e leng Mosebeletsi wa Ntshetsopele ya Setjhaba, Mesebetsi e ekeditsweng ya setjhaba le Letsholo la HIV le AIDS)?
ABSA e amohetse monyetla wa ho sebedisana le Lefapha ka ho rarolla mathata a thuto ka ditaba tsa ho ba le matlo, mme e entse hore ho be le dikgokahanyo tsa letsholo. Mabapi le taba ena, mananeo a bophelo a bitswang Home-2-Home Show a entswe. Lethathama lena la mananeo le haswa ka tshivenda, isiZulu, Sesotho, Xitsonga, Afrikaans le English. Mananeo a haswang ka mehla mahareng a 09:00-12:00, dibekeng tse tsheletseng, ho tloha ka 30 Motsheanong diteisheneng tsa diyalemoya tsa Tshebeletso ya Kgaso ya Afrika Borwa : Lesedi, Metro, Ukhozi, Phala Phala, Seyalemoya sa Good Hope le Munghana Lonene?
Lefapha la Phumantsho ya Matlo le na le boikarabelo ho fumaneng matlo jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong wa Motheo wa 1996 wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Kgaolo ya 2, Karolo ya 26 (Bili ya Ditokelo) e hlalosa hore e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le ntlo e lekaneng le tokelo ya ho phela tikolohong e seng kotsi maphelong a bona. Lefapha jwale le maikemisetsong a Lenaneo la Thuto ya beng ba Bodulo e tla thusa beng ba bodulo ho etsa diqeto tsa boikgethelo ba bodulo?
ho sebetsa le ditaba tse ngata tsa motheo tsa ho hlahloba ntlo; le bokgoni ba ho iphedisa ba bohlokwa bo lekantshwang le beng ba bodulo ba nang le boikarabelo.
Ho rekiswa le kgokahanyo.
Lenaneo le entswe ka dimojulu tse ngotsweng ka Senyesemane, le leng le le leng le bua ka dihlooho tse fapaneng.
Tlhwekiso ya dikgwerekgwere, Bophelo bo botle le Mananeo a Bophelo bo hlwekileng (Hygiene) bo Amohetsweng.
O ka fumana tokomane ho masepala, provenseng kapa dikantorong tsa setjhaba tse sebetsanang le TBB.
Founu 421 1689/421 1329.
<fn>sot_Article_National Language Services_TJHATA YA DITOKELO TS.txt</fn>
Ke a tseba hore botlokotsebe bo baka boima bo boholo mmeleng, ditjheleteng le moyeng wa diphofu tsa bona. Hore ho ntlafatswe ditshebeletso bakeng la diphofu tsohle tsa botlokotsebe, ke ikemiseditse ho atametsa ditlhoko tsa diphofu pelong ya Mokgwa wa Tshebetso wa Toka kgahlano le Botlokotsebe le ho lekanya ditokelo tsa bona le tsa baqosuwa. Sena se tla fihlellwa ka ho kenngwa ha tjhata ya Ditokelo tsa Diphofu.
Tjhata ena ya Ditokelo tsa Diphofu (Tjhata) e tsamaelana le seo Molao wa Motheo wa Afrika Borwa wa 1996 o leng ka sona le Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng ka Leano la Motheo la Toka ya Diphofu tsa Botlokotsebe le Tshebediso e Mpe ya Matla, 1985 (GA/RES/40/34). Tjhata ena e beha motheo wa ho lekanya ditokelo tsa bobedi diphofu le baqusuwa, hammoho le ho netefatsa hore Diphofu di tshwarwa ka lerato le tlhompo ya seriti sa tsona. E batla ho netefatsa hore diphofu di fumana pheko bakeng la kotsi eo di kopaneng le yona ka ho fumantshwa Mokgwa wa Tshebetso wa Toka kgahlano le Botlokotsebe.
Leano la ho netefatsa ho sebetsa ho latela ho kenngwa tshebetsong ha Tjhata ke ba fanang ka ditshebeletso le tla hlahiswa, le tlang ho ba tataiso bakeng la tshebetso e tlang ho tlama bohle ba fanang ka ditshebeletso. Mokgwa wa tsamaiso ya boikamahanyo o tla kenngwa hore ho tle ho netefatswe hore ho na le boikarabello ha dintho di tsamaya hampe.
Komeshene ya Molao ya Afrika Borwa e mothating wa ho hlahisa molao wa ho thehwa ha Kantoro ya Diphofu tse Molaong e tlang ho tsamaisa ho kenngwa ha Tjhata ena tshebetsong le mehato e meng e reretsweng ho matlafatsa diphofu.
Ke kopa bohle ba phethe boikarabelo ba bona ka ho phethahala ho netefatsa hore ho kenngwa ha Tjhata ena tshebetsong ho a atleha le hore ho fihlella merero ya yona.
Sekgahla se matla sa botlokotsebe diphofung le bokgoni ba ho sona ho se natse ditholwana tsa demokrasi le ditokelo tse ding tse ngata le ditokolloho tse sireleditsweng ke Molao wa Motheo wa rona.
Ho lokisetsa ho hlabollwa ha diphofu ha maemo ho sa ikamahanngwe le wona.
Tokelo ya ho tshwarwa ka toka le tlhompho ya seriti le sekgukgu sa hao.
O na le tokelo ya ho sebeletswa kapele le ka tlhompho, o tshwerwe ka tlhompho ya seriti sa hao le sekgukgu ke ditho tsohle tsa mokgatlo ofe kapa ofe o fanang ka ditshebeletso.
Mapolesa, ha a etsa diphuputso, batjhotjhisi le bahlanka ba lekgotla la dinyewe ha ba hlophisetsa le ka nako ya ho mamelwa ha nyewe, hammoho le, bohle ba bang ba fanang ka ditshebeletso, ba lokela ho etsa hore ho fokotswe ho se tshwarehe hantle ha hao jwalo ka phofu, hara tse ding, ho tshwara dipuisano le wena ka puo ya hao le sekgukgung ha ho hlokeha.
Diketso tsena di tla thibela tlatlapo ya phofu e boemong bo hodimo.
O na le tokelo ya ho fana ka tsebiso nakong ya ha ho etswa diphuputso le ha ho mamelwa nyewe.
Mapolesa, motjhotjhisi le mohlanka wa tshebeletso tsa tshokollo ya batshwaruwa ba tla nka mehato ya ho netefatsa hore seo o batlang ho se bua phuputsong, botjhotjhising le ho mamelweng ha parole ho a mamelwa le ho lekolwa ha ho etswa qeto ya ho tswelapele ka phuputso, kapa ho tjhotjhisweng kapa kopanong ya Boto ya Parole.
Tokelo ena e bolela hore o ka ba le seabo (moo ho hlokehang le moo ho kgonahalang) tshebetsong ya toka kgahlano le botlokotsebe, ka ho kenela dikopano tsa ho mamelwa ha kopo ya beili, nyewe, kahlolo le/kapa kopano ya boto ya parole.
Ho bolela hore o tla ba le monyetla wa ho etsa ditatemente tsa tlatsetso mapoleseng ha o hlokomela hore setatemente sa pele ha se a fella; o kanna wa boela wa etsa setatemente lekgotleng la dinyewe ho etsa sekgahla sa botlokotsebe se utlwahale lekgotleng la dinyewe.
Ho feta moo o ka nna wa etsa kopo ka lengolo ho Modulasetulo wa Boto ya Parole ho kenela dikopano tsa ho mamelwa ha parole le ho fana ka seo o se tsebang ka lengolo.
O na le tokelo ya ho fumana tsebiso le ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao le ditshebeletso tsohle tse loketseng tseo o lokelang ho di fuwa ke ba fanang ka ditshebeletso.
O lokela ho tsebiswa ka seabo sa hao nyeweng le tekanyetso ya nako eo nyewe e tlang ho e nka. O ka kopa tsebiso mabapi le matsatsi a ho mamelwa ha nyewe, ditefo tsa dipaki le mananeo a tshireletso ya dipaki.
O ka boela wa kopa ho tsebiswa ka boemo boo nyewe e leng ho bona, hore setlokotsebe se tshwerwe kapa tjhe, se qositswe, se fuwe beili, se qositswe ka molao, se fumanwe se le molato mme ha ho etsahetse, se ahlotswe.
Ha o na tokelo ya ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao feela, empa le ho disebedisa.
O ka boela, e le karolo ya tokelo ya hao ya ho fumantshwa tsebiso, wa kopa tlhalosetso ya le ha e le sefe seo o sa se utlwisiseng ka puo ya hao.
O ka kopa mabaka a qeto e ileng ya nkuwa ka nyewe ya hao, hore ho qoswe kapa tjhe.
O na le tokelo ya ho fumantshwa ditokomanetseo molao o dumellang hore o be le tsona.
O ka kopa ho fumantshwa tsebiso mabapi le ho mamelwa ha nyewe tseo o ka di kenelang. O ka boela wa kopa motjhotjhisi ho tsebisa ramosebetsi wa hao ka ho mamelwa ha nyewe le ha e le hofe, ho hlokang hore o be siyo mosebetsing.
O na le tokelo ya ho se tshoswe, tlatlatjwe, tlatlatjwe, tshabiswe, sokodiswe, fuwe tjotjo, botlokotsebe le tshebediso e mpe.
Ha o le paki o tla lokela ho tlaleha ditshoso tse jwalo sepoleseng kapa ho motjhotjhisi wa mmuso ya ka sehloohong.
Mapolesa, ha o ikamahanya le ditlhoko tse itseng, a tla etsa kopo ya hore o kenngwe tshireletsong ya dipaki.
Ha kopo e jwalo e atlehile o tla kenngwa lenaneong la tshireletso ya dipaki.
Ha o ntse o tla sireletswa, ka moo ho ka kgonehang ka teng, mefuteng yohle ya kgahlamelo e sa lokang, ho tea mohlala, o tla sireletswa tlatlapong kapa tshosong.
Sena se tla netefatsa polokeho ya hao jwalo ka paki hore bopaki ba hao bo se hahlamelwe kapa ho etsa ore o ikhule ho faneng ka bopaki ka lebaka la kgahlamelo e sa lokang.
Tokelo ena e bolela hore maemong a itseng lekgotla la dinyewe le ka thibela phatlalatso ya tsebiso le ha e le efe (ho kenyelletsa le botho ba hao) kapa e ka laela hore nyewe e tshwarelwe sekgukgung (e nkuwa ditshwantsho)/ o ka kopa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa ho o tsebisa ha setlokotsebe se bahlehile kapa se fallisitswe.
O na le tokelo ya ho kopa ho thuswa, le ho fihlella (ha ho hlokeha le ha ho kgonahala) ditshebeletso tsa setjhaba, bophelo le tataiso hammoho le thuso ya semolao e loketseng ditlhoko tsa hao.
A tla o thusa ka ho o hlalosetsa tshebetso ya sepolesa; ho o tsebisa ka ditokelo tsa hao le ho o kgothalletsa ho leba ho ba bang ba fanang ka ditshebeletso.
Motsamaisi wa kantoro kapa hlooho ya kantoro lekgotleng la dinyewe o tla etsa tlhophiso ditshebeletso tsa toloko.
Batjhotjhisi ba tla netefatsa hore ho nkuwa mehato e ikgethang mabapi le botlokotsebe ba thobalano, merusu ya ka lapeng le tshehetso/tlhokomelo ya bana le hore dinyewe di mamelwa makgotleng a kgathehileng a dinyewe, moo ho kgonehang.
Bohle ba fanang ka ditshebeletwso ho latela mesebetsi ya bona ka ho fapana ba na le mosebetsi wa ho nka mehato yohle e loketseng ho kenyelletsa diphofu tse nang le ditlhoko tse ikgethang le ho di tshwara ka mokgawa o nang le kutlwelo.
O na le tekelo ya ho lefuwa bakeng la tahlehelo kapa tshenyo ya thepa e ileng ya bakwa ke botlokotsebe bo entsweng kgahlano le wena.
Ka tsatsi la kahlolo ya moqosuwa o ka kopa motjhtjhisi ho kopa lekgotla la dinyewe hore ho ntshuwe taelo ya hore o lefuwe ho latela Karolo ya 297 le 300 ya Molao wa Tsamaiso ya Nyewe ya Botlokotsebe wa 51 wa 1977. Tefo e bolela tjhelete eo lekgotla la dinyewe le e fang phofu e ileng ya lahlehelwa kapa ya senyehelwa ke thepa, ho kenyelletsa le tjhelete ka lebaka la ketso ya botlokotsebe kapa tshitiso ka motho ya ileng a tshwarwa ka botlokotsebe?
Motjhotjhisi o tla o tsebisa ka taelo ya tefo empa tlelereke ya lekgotla la dinyewe e tla ikarabella ho e phethahatsa, le hape hore o ka ritela nyewe kgahlano le moqosuwa moo e leng hore lekgotla la dinyewe ha le fane ka taelo ya tefo hammoho le moo tshenyo e sa lekanyetseheng ha bobebe ho latela tshebetso ya ditjhelete jwalo ka tshenyo ya botsitso ba kelello kapa bohloko le mahlomola.
O na le tokelo ya ho buseletswa thepa eo o ileng wa e amohuwa ntle le molao. Puseletso e bolela hore lekgotla la dinyewe, ka mora ho fumana molato, le laela moqosuwa ho kgutlisa thepa eo a ileng a fumanwa a le molato wa ho eo amoha yona ntle le molao hore o tle o kgutlisetswe maemong ao o neng o le ho ona pele ho botlokotsebe?
Ka kopo sheba Boemo ba Maemo Ditshebeletsong tsa Diphofu tsa Botlokotsebe, tse ka fumanehang Mafapheng a Mmuso, ha o ka batla tsebiso e nngwe e kenelletseng mabapi le ditokelo tse fapaneng.
O ntse o hopola hore o na le tokelo ya ho tletleba, o ka ikopanya le lefapha le itseng la mmuso kapa ya fanang ka tshebeletso ha o na le tletlebo le ha e le efe mabapi le tshebeletso eo o e fumanang kapa ha ditokelo tsa hao di sa natswe.
a. Kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba, b. Babuelli ba Ditokelo tsa Botho, c. Komeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, d. Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo, e. Komeshene ya Tekano ya Bong, f. Bolaodi ba Botjhotjhisi ka hara Naha, g. Dikantoro tsa Sepolesa a Metropolitan, h.
Mmuelli wa kgetho ya hao le ka ditjeho tsa hao.
Bakeng la ho fumana tsebiso e eketsehileng ka mokgwa wa ho tletleba, ka kopo sheba Bonnyane Maemo a Tshebeletso tsa Diphofu tsa Botlokotsebe. Tokomane ena e a fumaneha kantorong le ha e le efe ya mmuso.
ka kopo hlokomela hore tshebediso ya nomoro ya mahala e sa ntsane e tla netefatswa.
Tjhata ya Ditokelo tsa Diphofu tsa Afrika Borwa e hlahisitswe ke Bolaodi ba Bong Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, ka tshebedisano le Mafapha a Ntshetsopele ya Setjhaba, Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, Thuto, le Bophelo bo Botle, ha mmoho le Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Setjhaba, Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, Komeshene ya Phetolo ya Molao ya Afrika Borwa, Komeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba, Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo, Ditho tsa Ditshebeletso tsa Makgistrata le Toka le ditho tsa Sepolesa sa Metro sa Tshwane.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo e ananela ka botebo dinyehelo tse entsweng ke mekgatlo e meng eo e seng ya mmuso le ditsha tsa thuto ho tokomane.
<fn>sot_Article_National Language Services_TJHATA YA MAKGABANE A.txt</fn>
Re se re fetile nalaneng ya ho se lekalekane moo ho neng ho ena le dikgohlano setjhabeng sa habo rona, mme jwale re na le boahi bo le bong ba naha moo re ikemiseditseng ho ba le tekatekano. Re hetla morao moo re shebang ditsela tse fapaneng le mekgwa ya bophelo e re tliseditseng tokoloho le demokerasi, mme re ikemisetsa ho ba le mehopolo le makgabane a boitshwaro a tla re kopanya jwalo ka ha re fapane.
Ka ho ya ka maikemisetso ana a tshwanang, a hlahileng ka boitseko ba rona, a lebisitswe phekolong ya bokgopo ba nakong e fetileng, mme re tiisetsa seriti sa bohle, le ka ho labalabela polokeho ya phedisano ya batho ba habo rona, re itlama ho sireletsa le ho tshehetsa makgabane a kentsweng mona. Hona re ho etsa ka ho ela hloko taba ya hore bokamoso ba rona bo itshetlehile tshireletsong ya tikoloho le polokehong ya bohle ba phelang ka hara naha ya habo rona, baahi ba kontinente ya Afrika mme ba bopang lelapa le leholo le dinaha tsa matjhaba.
Molao wa rona wa motheo o tiisetsa hore batho ba tswetswe ba lokolohile mme ba na le seriti se lekanang.
Hlompha bohlokwa ba batho bohle, ho sa natswe moo motho a tswang, borabe, bong, dilemo boemo le hore o wela sehlopheng sefe bophelong.
Lwantshana le tshwenngwa ha basadi ka semoya le ya nama, e leng ntho e qetellang ka peto le mefuta e meng ya tlhekefetso.
Qeta tlhekefetso ya bana e tliswang ke phepo e mpe, tshebediso ya bana, thekiso ya dithethefatsi, ditshwantsho tsa batho ba sa aparang mmoho le bootswa.
Hlokomela bohle ba fokolang mme ba sa fuwe menyetla: ba futsanehileng, maqheku, ba sa itekanelang, le bohle bao ba sa kgoneng ho itlhokomela ka bobona.
Hanyetsana le mofuta ofe kapa ofe wa tlhekefetso ya nama, semoya, le/kapa ya kelello kapa ho tshwarwa hampe ha batho ba bang.
Fenya tshebediso e mpe ya boemo, setso, setho, borabe, bong, tshekamelo ya bong, maemo a bophelo, kapa moetlo, e leng ntho e tla lebisa kgethollong ya ba bang.
Sebeletsa polokeho le tshireletso ya batho bohle.
Tokoloho ya motho ka mong ka hara tshebediso ya molao ke ona motheo wa toka, ho se be le leeme, kaho ya setjhaba le taolo e ntle.
Dumella bolokolohi ba ho ikutlwahatsa, ba dikamano, motsamao, bodulo, tumelo, mohopolo le borapedi.
Ba le boikarabelo ka ho hlompha tshebediso ya molao, ho tshepahala, ho sebetsa ka matla le ho ba le bonyane ba maemo a amohelehileng boitshwarong.
Lwantsha mefuta yohle ya bonokwane, bobodu le merusu.
Phehella ho ba le kopano ya setjhaba le ho se arohanngwe ha Rephaboliki.
Ditokelo tsa kahisano le moruo tseo e leng karolo ya molao wa rona wa motheo di lokelwa ho bonwa e le ditokelo tse ka hodimo ho kgothaletso. Leano le mananeo a lokela ho neha mafutsana menyetla ya ho kgona ho fihlela seriti sa botho le boiphediso.
Fenya ho se lekalekane ho kentsweng hwa nako e fetileng mmoho le ha jwale, le ho kgothaletsa menyetla bakeng sa bohle hore ba be le kabo ho tswa mehloding ya thuso ya naha ya habo rona.
Hanyetsana le meharo, ho inahanela o le mong le ho ithuisa ka dinako tsohle.
Fenya bobodu, hore na bo laolwa ke ho ithuisa ka bowena, ho se tshepahale, kgethollo, ho tshehetsa ba leloko le mefuta e meng yohle ya bobodu.?
Tshehetsa ho sebeletsa pepeneneng ha mmuso le mekga ya kgwebo ka ho fana ka tlhahisoleseding e fumanwang ka nako, e kgonwang ho fihlelwa hape e nepahetseng ditabeng tsohle tse amang maphelo a setjhaba.?
Netefatsa hore ho ba le bolaodi bo nang le bokgoni hape bo sa sebetseng ka leeme le hore mesebetsing ho ba le boemedi bo batsi ba borabe le bong.
Lelapa le motse ke dikarolo tsa bohlokwa tsa kahisano tse susumelletsang hore ho thehwe makgabane a boitshwaro setjhabeng.
Kgothaletsa makgabane a lelapa, botshepehi, boikarabelo, hlompho bakeng sa batswadi le baholo ba rona, ntshetsopele ya bana, tshehetso ya maqheku, le ntshetsopele ya tlhokomelo ya lelapa.
Ba kgahlanong le dintwa tsa ka malapeng le ho se natse maikarabelo a lelapa, hore na ke ka tshebediso e mpe ya dithethefatsi, bodumedi ba setso kapa kgethollo ka bong.
Bopa tikoloho ya lelapa le e kopanetsweng e kgothaletsang moya wa tlhokomelo, kutlwelo le ho akaretswa.
Sebedisa mehlodi ya thuso hantle haholo le ka ho lekana molemong wa lelapa lohle le ditho tsa motse.
Tswela ba bang molemo jwalo ka rona feela ka kgolo ya motho ka boyena le phihlelo ya bokgoni.
Botshepehi, ho tshepahala le bokgabane ke makgabane a bohlokwa a demokerasi le taolo e ntle.
Ba le dikamano tsa sebele, tse pepeneneng mme tsa botshepehi.
Ntshetsa pele le ho kgothaletsa dikamano tse ntle, ho tshepana le ho phedisana dihlopheng tse arohantsweng nakong e fetileng.
Sebedisa mokgwatshebetso wa toka ho fana ka kotlo mefuteng yohle ya boshodu, boqhekanyetsi, ho fana ka tjotjo, ho se tshepahale le ho sebediswa ka tsela e sa lokang.
Ho fapafapana ha merabe ya Afrika Borwa ho na le bokgoni ba ho susumelletsa le ho matlafatsa setho le mekgwatshebetso ya makgabane e ka ntshetsang pele makgabane ao ho bolelwang ka ona Kgaolong ena.
Kgothaletsa bolokolohi ba ho bona ho hobe le ho hotle, mamello ya bodumedi le kamohelo ya mehopolo e fapaneng ntle le kgethollo kapa ho tshehetsa ba bang feela ho sa natswe ba bang.
Kgothaletsa ho ba le monahano o ikemetseng o hlokolosi le moya wa ho ba le seabo dingangisanong.
Kgothaletsa ho hlomphuwa ha bodumedi le mekgwatshebetso ya makgabane a ba bang.
Kgothaletsa tokelo ya moahi e mong le e mong wa naha ya ho ikutlwahatsa le ho hlahisa maikutlo a hae ntle le tshabo, thibelo, ho tshoswa kapa ho tshwenngwa.
Hanyetsana le mefuta yohle ya kgethollo, e ka ba ka motho ka mong, ka mokgatlo kapa ka ho ba setho sa mokgatlo ka mokga o kgellang tlase bokgabane ba batho ba bang.
Hlompho, tlhokomelo le tsotello ke tse ding tsa dibopeho tsa bohlokwa tsa makgabane a batho ba Afrika Borwa. Re lemohile hore ho ke ke ha ba le kgotso kapa polokeho ha ho se na hlompho le tlhokomelo.
Kgothaletsa kgotso, setswalle, mamello le kopano ya setjhaba hara merabe e nang le setho sa yona, bodumedi ba yona le puo ya yona.
Hlompha batho bohle le dihlopha tsa kahisano.
Ho phedisana ka kgotso ho hloka toka, ho se be le leeme le hlomphano jwalo ka motheo wa poelano ya setjhaba. Tokiso ya kgethollo le dikarohano tsa nakong e fetileng e hloka hore re etse bonnete ba ho kgothaletsa makgabane a demokerasi, toka kahisanong le ditokelo tsa motheo tsa botho bakeng sa bohle.
Phehisana le boitshwaro bo sebedisang dikgoka hape bo senang mekgwa e metle, mme hona re ho etsa ka ho ba le hlompho le kutlwisiso.
Hanyetsana le batho le dihlopha tse batlang ho sitisana le kgotso, botsitso le polokeho ya setjhaba ka boitshwaro bo kgethollang le/kapa bo sa lateleng demokerasi.
Fana ka ditshebeletso tsa phedisano le tse ding ka tsela e se nang leeme, e lekanang hape e sa kgetholleng bathong bohle.
Ka ho hopola dintwa le kgethollo ya nakong e fetileng, re ela hloko bohlokwa ba dikamano tsa rona kahisanong demokerasing ya rona e ntjha. Hona ho hloka tiisetso ya bonyane ba makgabane a boitshwaro ao batho ba nang le kgotso ba Afrika Borwa ba ka a labalabelang jwalo ka motheo wa ho fihlela ho e mong le e mong wa rona ka moya o theileng setjhaba sa habo rona re ntse re tseba hore Afrika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona?
<fn>sot_Article_National Language Services_TJHELETE E SETSENG.txt</fn>
Financial Services Board (FSB), ke molaodi wa mokga wa ditshebeletso tsa ditjhelete tseo e seng tsa ho banka, mme hape e tsamaisa le Molao wa Letlole la Dipenshene wa Phetolelo ya Bobedi e leng Pension Fund Second Amendment Act, 2001 (Molao). Ka ho ya ka Molao ona, letlole le leng le le leng la ho ya pensheneng le ngodisitsweng le FSB le nang le tjhelete e setseng le lokela ho aba tjhelete eo e setseng pakeng tsa bathahaselli bohle.
Le ha ho le jwalo, tokelo ya ho abelwa tjhelete e setseng letloleng la penshene ha e kenyelletse matlole ohle ao Mmuso o kenyang ditjhelete ho ona, a jwalo ka Letlole la Penshene la Basebetsi ba mmuso Government Employees Pension Fund GEPF, Transnet, le Matlole a mang a Khansele ya Ditherisano tse kopanetsweng a sa ngodiswang tlasa Molao kapa Molao wa Letlole la Dipenshene. Matlole ana ha a wele tlasa taolo ya FSB.
Ke mang ya tshwanelehang ho fumana kabo tjheleteng e setseng letloleng la penshene?
Ka ho ya ka Molao, bathahaselli bohle ba letlole ba ngodisitsweng tlasa Molao wa Matlole a Penshene, ao ka mora tekolo ba fumanang hore ho ba le tjhelete e setseng, ba na le tokelo ya ho abelwa tjheleteng ena e setseng.
Bathahaselli: ho bolelwa batho ba kenyang/ba neng ba kenya tjhelete letloleng mme bona ba kenyelletsa bao e neng e le ditho, ba leng pensheneng, ditho tsa ha jwale le ramosebetsi ya nang le seabo le letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng. Molao, wa 2001 o hlalosa tjhelete e setseng jwalo ka karolo eo e leng ya letlole, ka hoo, pele ho ka arolwa tjhelete ena e setseng, boto ya letlole (bahlokomedi) ba lokela ho etsa bonnete ba hore letlole le maemong a matle a ditjhelete.
Boto ya letlole e lokela ho hlahloba direkoto tsa letlole, ho ya morao ho 1980 kapa hore na letlole le qadile neng (haebe ke ha morao) e be e sheba le histori ya ditjhelete ya letlole la yona.
Boto e lokela ho kgetha motho ya tla emela dikgahleho tsa bao e neng e le ditho, mme a etse maiteko a utlwahalang a ho fumana direkoto tsa bohe bao ba kileng ba ba ditho. Seabo sa moemedi enwa ke ho hlahloba mosebetsi, ho thusa ka dikgokahano le bao ba kileng ba ba ditho le ho etsa bonnete ba hore bao ba kileng ba ba ditho ba sebeletswa ka tsela e se nang leeme.
Boto ya letlole e lokela hore e ele hloko pele bao ba neng ba le ditho mmoho le ba leng pensheneng e be e etsa ditlhophiso tsa ho lefa bonyane ba dibenefiti tsa bona.
Haebe ka mora ho ba ho etswe ditlhophiso bakeng sa tefello ya bonyane ba dibenefiti ho bao ba kileng ba ba ditho le ba leng pensheneng mme letlole le ntse le na le tjhelete e setseng, bathahaselli bohle ho kenyelletswa le ditho tsa ha jwale le boramesebetsi ba nang le seabo ba na le tokelo ya ho fumana kabelo tjheleteng eo e setseng.
Boto ya letlole: ho bolelwa batho ba nang le boikarabelo ba ho etsa diqeto ka tsamaiso ya letlole ho kenyelletswa le moo le ka moo ho ka beeletswang ka teng, le hore ke mang ya lokelwang ho leshwa le hore a leshwe jwang.
moralo wa kabo ya tjhelete e setseng hore o ilo ananelwa pele tjhelete efe kapa efe e setseng e ka ajwa.
Ho tshwanetswe hore ho fuwe bathahaselli monyetla wa ho hanyetsana le ntho, mme boto e lokela ho rarolla dikganyetso tseo.
Ha mongodisi wa Matlole a Dipenshene a ananela tshebetso e leng ka hara morero wa kabo ya tjhelete e setseng, boto moo e ka aba tjhelete eo e setseng. Hona ho ka etsahala mohlomong nakong ya dilemo tse pedi kapa ka hodimo ho moo ka mora mola wa kabo ya tjhelete e setseng.
a. Ho lefella ditshebeletso pele ho nako ho bao ba fanang ka tsona kapa bathong ba bang ka ho sebedisa ditefello tsa ho ingodisa, dimpho, jj. Hobane ditjeo tsa ho latela mehlala ya bao e neng e le ditho, dipapatso, ho balwa ha ditjhelete tse setseng tse lokelwang ho fumanwa ke batho di tshwanetse ho tswa tjheleteng e setseng ka boyona, mme e seng dipokothong tsa ditho tsa ha jwale kapa bao ba kileng ba ba ditho.
Ho lefella tlhahisoleseding e tla hlwaya hore na o tshwanela ho fumana karolo ya tjhelete e setseng.
b. Ho abelana tefello ya hao ya tjhelete e setseng kapa karolo ya yona bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona ka ho tlohela kapa ho fetisetsa karolo ya tefello ya hao ya tjhelete e setseng ho motho wa boraro, o lokela ho hlokomela haholo hobane Mongodisi ha a sa tla ho sireletsa ha tjhelete e se e le matsohong a hao.
d. Hlokomela ditshoso tse ka etsuwang ho wena, mohlala, tse jwalo ka ho re ha o sa nnehe buka ya hao ya ID ho fihlela ho leshwa, o ke ke wa leshwa o ka mpa wa fana ka dikhopi tse tiiseditsweng tsa ID ya hao.
e. O se ke wa saena letho leo o sa le utlwisiseng. Kopa motho o sele feela ho o hlalosetsa hore na ho hlokeha eng.
Tshebetso tsena ha di molemong wa setjhaba mme di lokelwa ho tlalehwa ho FSB hore ho tle ho nkuwe mehato efe kapa efe e hlokehang, athe hape di thibetswe ka ho ya ka Tsebiso ya 777 e hlahisitsweng ke Letona la Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
P: Ke efe phapang pakeng tsa letlole le penshene le letlole la provident?
Tlasa letlole la penshene bonyane karolo ya pedi ho tharo (2/3) ya benefiti e lokelwa ho leshwa jwalo ka penshene bakeng sa bophelo bohle ba motho ya pensheneng. Boholo ba karolo ya nngwe ho tharo (1/3) feela bo ka nkuwa e le shwahla ya tjhelete. Tlasa letlole la provident palo yohle ya benefiti e ka nkuwa e le shwahla ya tjhelete.
Empa bakeng sa kabo ya tjhelete e setseng ha ho na phapang.
P: Na ho na le tjhelete e setseng letloleng la ka?
P: Ditokelo tsa ka ke dife ka ho ya ka molao?
K: O lokela ho tseba boemo ba tefello ba letlole la hao, hore na melawana ya tshebetso e reng, ekasitana le boemo ba ditjhelete ba letlole la hao jwalo ka ha di le ka akhaonteng ya kuno le setatementeng sa matlotlo le dikoloto tsohle tsa letlole la hao. Ka ho ya ka Molao wa Kgothaletso ya Phihlelo ya Tlhahisoleseding o ka kgona ho fumana lesedi le ka ho thusang hore o sebedise tokelo ya hao empa ho na le meedi e itseng mabapi le hona, mohlala, hona ha ho a tshwanela ho sitisana le ditokelo tsa ba bang, jj.
P: Ha ke le mohlokomelwa wa setho se hlokahetseng, na ho na le monyetla wa hore ke fumane karolo ya setho seo ya tjhelete e setseng?
K: Tjhe, ntle le haebe setho seo se ne se ntse se phela ka nako ya tekolo ya letlole, e leng nako efe kapa efe e pakeng tsa la 7 Tshitwe 2001 le Tshitwe 2004.
P: Ke mang ya hlahlobang hore na boto ya letlole (bahlokomedi) le ditsebi tsa ditjhelete e leng di-actuaries hore na ba etsa mosebetsi o nepahetseng wa kabo ya tjhelete e setseng?
K: Mongodisi o beha tshebetso e etswang ke letlole leihlo empa bahlokomedi ba etsa qeto ke hofe ho tshwanetseng mme hona ba ho etsa ka therisano le actuary.
P: Na ke lokela ho etsang ha ramosebetsi eo ke neng ke mo sebeletsa a bapatsa kabo ya tjhelete e setseng?
K: Sheba tlhahisoleseding e papatsong.
P: Ho etsahala eng ha letlole leo ke neng ke kenya tjhelete ho lona le ka jewa?
K: Ka bomadimabe, matlole a jeweng ka semolao kapa a ntshitsweng mananeng a ngodisitsweng ka ho ya ka molao pele ho la 7 Tshitwe 2001 ha a wele tlasa melao ya tjhelete e setseng hobane a ne a le siyo ha ho ne ho fetiswa molao ona. Ha letlole le jewe ka mora la 7 Tshitwe 2001, the Mongodisi o tla batla hore ho latelwe melao e mabapi le ditjhelete tse setseng (ho jewa ho ba le sephetho sa ho potlakisa tshebetso ya kabo ya tjhelete e setseng).
K: Ho fetolwa ho ba le sephetho se tshwanang le sa ho jewa, sa ho potlakisa letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng mme ho latelwe le melao e mabapi le tjhelete e setseng.
P: Na ho tla dula ho ena le mathata a tjhelete e setseng matloleng a rona le nakong e tlang?
K: Molao o lokisetsa phumantsho ya bonyane ba dibenefiti tse lokelwang ho leshwa ditho dikgweding tse 12 ka mora letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng. Bonyane ba dibenefiti bo sebetsa matloleng ohle a ngodisitsweng ke Mongodisi ka la 1 Tlhakubele 2002 kapa ka mora moo. Hona ho tla fokotsa ditjhelete tse setseng tsa nakong e tlang, empa ho ntse ho kgoneha hore ho bokellwe ditjhelete tse ding tse setseng matloleng ao ho ona ditjhelete tse kengwang, kuno le ditshenyehelo di sa abelweng diakhaonteng/dirisefeng tsa ditho matloleng kgafetsa kapa ka papiso e phethahetseng ya matlotlo le dikoloto. Melawana ya tshebetso ya letlole e tla bontsha hore ho lokelwa ho etsahala eng ka tjhelete ena e setseng.
Ha ho ka etseha hore o hloke tlhahisoleseding e nngwe hape o kotjwa hore o be le bolokolohi ba ho iteanya le ba Call Centre ya FSB ba tla ho romela ho motho ya nepahetseng letloleng. Ha ho ka etseha hore o be le tsebe lebitso la ateministreitara e nang le laesense e tshwereng letlole le hao, iteanye le bona ka ho otloloha. Lenane la di-ateministreitara tsohle tse nang le laesense le fumaneha ofising ya Mongodisi le weposaeteng ya FSB tlasa Lefapha la Dipenshene.
Lebitso la letlole leo o neng o le setho sa lona sheba ditokomane tseo o nang le tsona, tse jwalo ka ditatamente tsa dibenefiti, ditlankana tsa moputso, mangolo, jj.
<fn>sot_Article_National Language Services_TOKOMANE E TSHOHLWANG.txt</fn>
Sepheo ka tokomane ena ke ho fumana dintlha tse tla bopa karolo ya boemo ba tokomane ya mmuso bakeng sa Seboka sena se habilweng sa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Motheo wa Seboka sa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Mekgwa e lokelang hore e lokiswe ho kgothaletsa ntjhafatso ya boitshwaro ba Ma-Afrika Borwa.
Ho qala mosebetsi ona wa Tsoseletso ya Boitshwaro, ke ntho ya bohlokwa hore ho hlaloswe pele se bolelwang ka Tsoseletso ya Boitshwaro e le hore ho tle ho fumanwe motheo o tshwanang bakeng sa dipuisano. Kgubung ya Tsoseletso ya Boitshwaro ho na le mohopolo wa boitshwaro bo botle. Ditsebi tsa boitshwaro di hlalosa boitshwaro bo botle e le melawana e amohelehang ka kakaretso ya boitshwaro mabapi le mekgwa ya boitshwaro ho latela kananelo ya sehlopha seo eleng setjhaba. Mona ho kenyeletswa makgabane le maemo a sehlopha se dumelanang le ona le sona. Ha taba ena e behwa ka tsela e bonolo, boitshwaro bo botjwa ka ditumelo tsa se lokileng le se nepahetseng eleng se kgonang ho kopanya batho ba nang le histori e tshwanang. Boitshwaro bo susumetswa ke dinnete tsa phedisano tseeo batho ba tobanang le tsona.
Ethiksi ke lentswe le ileng la hlaha ho filosofi ya boitshwaro le diprofeshene, mme ke lentswe le amanang le mohopolo wa boitshwaro. Ka dinako tse ding boitshwaro bo atisa ho ferekanngwa le mantswe ana a mang a supang boitshwaro bo botle. Le ha ho le jwalo ethiksi ke metheo e ka hloohong e supang diketso tse kgethollang tsebong ya {botle le ya bobe} tse etsuwang. Tsena tsohle di tataiswa ke boitelo ba ketso ya ho ikobela molao wa phedisano o ka amang makgabane a botho. Boitelo bona bo ka fumanwa mekgatlong ya dipolotiki, ya tumelo kapa e sa amaneng le ditumelo hohle historing ya ditjhaba.
Taba ya Tsoseletso ya Boitshwaro ke teko ya ho tlatseletsa mosebetsi wa ho tlisa phetoho e etsahalang Afrika Borwa. Setjhaba sa Afrika Borwa se ile sa fetoha haholo dilemong tsa bo-1990. Ho tloha ka selemo sa 1994 nakong ya dikgetho tsa demokrasi, mosebetsi wa phetoho o ne o tobisitswe ntlheng ya ho hlalosa botjha seabo sa mekgatlo ya dipolotiki e le ho theha puso e hlokang leeme ho latela botjhaba le leeme ho latela taba ya hore motho ke monna kapa ke mosadi, e thehilweng tlhokehong ya kgethollo le tlhompho ya ditokelo tsa botho e le hore ho tle ho etswe motheo wa setjhaba o thehilweng hodima toka.
Ma-Afrika Borwa a nang le boitelo ba hore ho thehwe setjhaba se nang le toka.
Ke ntlha e tsebahalang hantle hore kgethollo e ne e se feela taba ya ho hanela batho ba bangata ba Afrika Borwa ditokelo tsa dipolotiki. Kgethollo, e neng e tsheheditswe ke tumelo ya hore dintho di lokela hore di tsamaiswe ke batho ba banna, e ne e le hohle mekgatlong ya setjhaba mme e ile ya senya kgare ya boitshwaro ba setjhaba.
Boraditaba ba tsamaisang ditabana tseo eseng tsa nnete le dithetso, bao eseng sesebediswa sa ho kgothaletsa ntshetso pele ya makgabane a arolelanwang.
Ka moelelo, tlhophollo ya mohopolo wa karohano e ka hlakisa dipuisano tsa rona tsa tshusumetso eo kgethollo e ileng ya ba le yona setjhabeng sa Afrika Borwa. Karohano ena ke lentswe le hlalosang boemo boo motho a iphumanang ho bona a se a sa itsebe ka boyena kapa a sa tsebe ba bang setjhabeng sa habo. Mohopolo wa bonwamadi o na le nyehelo kutlwisisong ya karolo ya karohano ya phedisano. Bonwamadi bo etsahala ha motho e mong a sebedisa ba bang, kapa sehlopha se le seng se sebedisa se seng. Ha ntlha ena e tshetlehwa ka bokgutshwanyane, motho ya nwang madi a ba bang o tadima motho eo a mo nweleng madi e le sesebediswa feela. Ka lehlakoreng le leng, ya noweng madi o tadima ya mo nweleng madi e le matla a hlokang botho a laolang botho ba hae ba mantlha. Ntlha ena e feteletswa le ho feta ha ba nowang madi le ba nwang ba bang madi ba kgona ho ka kgethollwa jwaloka dihlopha tsa setjhaba?
Karohano e ile ya etsahala maemong a fapaneng a mabedi empa a na le kamano. Ntlheng ya pele, sena se etsahetse boemong ba dipoliki, moo maano a neng a etswa ke lequlwana la ba neng ba busa a ne a theolwa a hlaha hodima ho ya kena maemong ohle a tsamaiso e le ho laola le ho sebedisa matla ka tsela e fosahetseng. Ho na le moo maano a kgethollo a neng a sebetsa ka mokgwa wa ho nyolosa le ho theosa. Ntleng ya bobedi, karohano ya sebopeho se alang letsoho e ile ya sebetsa ho arola batho ba habo rona ka botjhaba le bomorabe. Ka tsela e tjena ho ile ha etswa hore ho be le lengope la letonanahadi la karohano setjhabeng. Motheong wa yona kgethollo e ne e hloka boitshwaro mme ka nako e fetang dilemo tse mashome a mane e ile ya matlafatsa metheo ya ho hloka boitshwaro e neng e se e ile ya behwa ke mokgwa o tlileng pejana wa bokolone. Ka bokgutshwanyane, tsela ya phedisano kaofela ya Afrika Borwa e ne e hloka kelello, e hloka boitshwaro ebile e sa tsamaelane le metheo ya mantlha, ya toka, ya tekano, ya tokoloho, ya botshepehi, ya nnete le ya kutlwelobohloko e fuperweng ke ditumelo tse kgolo tsa tumelo tsa lefatshe.
Ho tlatlapuwa ha boitshwaro bathong ba bangata ba Afrika Borwa ho siile ka mokgwa o hlakileng matshwao a bonahalang a setjhaba se nang le tlhoko e potlakileng ya mekutu e habilweng le e bonahalang ya ho atolosa bonamo ba mosebetsi wa phetoho e ka hodimo ho ditlhaloso tse ntjha tsa mekgatlo ya rona ya dipoloki. Ntwa ya tshimoloho le ho boloka ka nako yohle makgabane a arolelanwang setjhabeng sa rona ke phephetso ya ka nako e telele eo re lokelang ho tobana le bothata bona ka yona.
Matla a boemo bona a hlahela le ho feta ha dipalopalo tsa batshwaruwa ba ditjhankaneng di nkellwa hloohong. Ditjhankane tsa Afrika Borwa di subuhlellane ka diphesente tse fetang 70 tsa batshwaruwa, mme batlodi ba molao kaofela ba moo ba 176 000. Le ha palo ena e emetse batshwaruwa ba kahare ho tjhankane, ho boetse ho na le batshwaruwa ba seng ba fuwe kahlolo ba 73 000 ba amehang ditshebeletsong tsa setjhaba. Batshwaruwa ba fetang 4 000 palong ena ya batshwaruwa ke batshwaruwa ba ka tlase ho dilemo tse 18. Mashome a dikete tsa batshwaruwa ba dilemong tse dipakeng tsa 18 le 25. Ditlolo tsa molao tse etsahetseng bongata ba tsona ke tsa sebopeho sa tshebediso ya dikgoka, ho kenyeletswa le dipolao, peto, ditlatlapo, jwalo jwalo. Bongata ke bana ba kgasang, maqheku le basadi bao eleng diphofu ditlolong tsena tsa molao.
Ke ntlha ya bohlokwa ka ho qoholleha hore boemo ba phedisano ha mmoho le ba moruo boo ditlolo tsena tsa molao di etsahalang tlasa bona bo nkellwe hloohong. Batho ba bangata ba Afrika Borwa ba dula ba futshenehile haholo. Bofutsana bo na le seabo se seholo tlokotsing ena ya boitshwaro naheng ena.
Le ha matshwao a ka hodimo a bonahala ka ho hlaka, ho na le matshwao a siretseng a mathata a boitshwaro ao Tsoseletso ya Boitshwaro e lokelang ho a toba.
Dikgeo tse kgolo dipakeng tsa ba nang le hona le ba hlokang?
Maemo a hodimo a bofuma.
Tsoseletso ya Boitshwaro e lokela hore e sebetsane le diphephetso tsena. Ke karolo ena ya mosebetsi wa phetoho eo Tsoseletso ya Boitshwaro e lokelang ho sebetsana le yona. Bosetjhaba bo bong le bo bong bo itshetlehile khoutung ya boitshwaro e kgothaletsang boitshwaro bo nepahetseng, le bo hahang ekasitana le ho se kgothaletse diketso tse kotsi.
Le ha kgethollo, mohopola wa ho dumela hore tsohle di lokela ho okamelwa ke banna le tlhokeho ya tekano setjhabeng ke dintho tseo hantlentle e leng tsona tse jarang boikarabelo ba tlokotsi ya boitshwaro ba setjhaba sa rona bo nyehlileng, ntho e nngwe e hlakang ke hore teko efe kapa efe ya Tsoseletso ya Boitshwaro e tla lokela hore e nkelle hloohong tshusumetso tse tswang ka mose ho meedi ya rona. Ka ho ikgetha, leqhubu la ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe mabapi le taba ena. Dilemo tsa bo dikete tse leshome le metso e robong le tsa bo-dikete tse mashome a mabedi di ile tsa potlakisa phetoho ho tloha setjhabeng se lekanang ho isa setjhabeng sa indastri. Dilemo tsa dikete tsa bomashome a mabedi a motso o mong di hlahisa mekgwa e fapafapaneng ya phetoho e akofiswang dikarolong tsohle tsa bophelo. Lefatshe le bona ka moo mahlale a tlwaelehileng le a amohelehileng, ditsela tsa phedisano tsa boholoholo, ditabatabelo le makgabane a setjhaba di hoholehang ka teng ka hanyane hanyane le ka tsela e itseng.
Ho kopanya mekgwa ya tsebo ya lefatshe, ka ho ikgetha, ke ntho e tseleng ka mokgwa o batsi ho latela ka moo ditsela tsa basebedisi ba Bophirimela le boraditaba ba bangata ba Amerika ba kenakenang lefatshe lohle ka teng. Phephetso e kgolo ya ho etsa lefatshe ntho e le nngwe ke hore baetsana ba mohopolo oo, metheo le mekgwa ke dintho tse batlang di sa tsamaelane. Ke ntho tse hlokang boikarabelo mme ka dinako tse ding ke ntho tse sebetsang ntle le taolo, ha ho nkellwa hloohong bosiyo ba melawana e sebetsang hantle le e nang le boikarabelo ya taolo. Qetellong, tsela tsa bophelo hohle di a hoholeha mme ho ba le ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng, bobodu, thekiso ya dithethefatsi, dipapatso tse nyontshang, ponografi e fumanehang inthaneteng, le ho tlalatlala ka potlako ha mahloko a tshwaetsang hohle lefatsheng le ka tsela e bonolo ho feta pele.
Bothata bo boholo ka ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe ke hore lesedi le lengata le a tlalatlala le akaretsang dikarolo kaofela tsa bophelo ba rona le fupereng monyetla o moholo wa tshenyo e kgolo ntle le maemo a boitshwaro a hlokehang a tsamaelanang le hona a tla kgona ho lwantshana le maemo ao.
Ho boetse ho na le sekgeo se seholo sa botjhaba se kgothaletswang ke matla a ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe. Naha ya rona ka ho leka ho kena phehisanong ya ntho ena ya ho kopanya lefatshe le ho ba monyehedi ya nang le moelelo ditabeng tsa matjhaba e ile ya e ba e nngwe ya tse saenetseng dilekane tse fapafapaneng tsa matjhaba, le ho amohela ditlwaelo tsa maikutlo a bulehileng a ho kopanngwa ha lefatshe le ho fedisa melawana e sitisang kgwebisano e ntle.
Ha re nkella hloohong tlhaloso e ka hodimo mme re tehela ka thoko taba ya kgethollo, re hloka tlhatlhobo e matla, le ho lekola botjha ekasitana le ho hlwela hape boemo ba boitshwaro ba setjhaba. Ntle le tikatiko ntho ena e etsa hore ho ntjafatswe boitshwaro ba setjhaba sa habo rona. Ke ka hoo ho nnileng ha buuwa ho sa kgaotswe ka Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, eleng sesupo sa mekgwa le moya ha mmoho le ho tsitlallela Boitshwaro bo hodimo ba setjhaba?
Metheo ya Ntjhafatso ya Boitshwaro e fuperwe ke Molao wa Motheo o motjha. Molao wa Motheo ke teko ya ho theha tsela ya boitshwaro bo botjha bakeng sa naha ya rona. Ho na le dikarolo tse ngatanyana Molaong wa Motheo tseo ka ho ikgetha di buwang ka taba ya ntjhafatso ya kgare ya boitshwaro ba setjhaba sa habo rona. Puo ya selelekela Molaong wa Motheo e bolela hore Rona, batho ba Afrika Borwa, re ananela tlhokeho ya toka e ileng ya hlahela nakong ya rona e fetileng, re amohela Molao ona wa Motheo e le molao o ka sehloohong wa Riphaboliki o ?
Bili ya Ditokelo, Kgaolo ya 2 ya Molao wa Motheo, e na le makgabane a mangatanyana a bohlokwa a rarollang ka tsela e qoholehileng ditaba tsa motheo tsa boitshwaro.
Tokoloho le tshireletso ya motho {s.
Ditokelo tsa moruo, phedisano le tsa botjhaba {ss. 22?
Ka ho beha fatshe metheo ena, Molao wa Motheo ha o a fa mmuso boikarabelo feela ba ho hlompha baahi, empa hore baahi ba hlomphe ditokelo tsa ba bang. Bohle Afrika Borwa mona re tlameha ho hlompha ditokelo tsa batho ba bang bao re phelang le bona, ba batsho le makgowa, banna le basadi, batjha le ba baholo.
Mmuso o hlokwa hore o kgothaletse makgabane a fuperweng ke Bili ya Ditokelo ka mokgwa o sebeletsang ho loka ka kakaretso le ditabatabelo tsa setjhaba. O na le boitlamo ba ho kgothaletsa makgabane a Molao wa Motheo le Bili a Ditokelo. Hore makgabane ana a be le moelelo wa sebele banneng le ho basadi ha mmoho le ho bana bophelong ba bona ba ka mehla, a lokela hore a rutwe dibakeng tse sebetsang eseng dibakeng tse sa sebetseng hantle kapa tse hlolehileng ho sebetsa. Seabo sa bohlokwa sa mmuso leweng la makgabane ke ho nehelana ka tshehetso e hlokang leeme, e nang le toka le e sa jelleng phathe metheong e fuweng matla ho latela molao wa motheo hore e ka ruta makgabane ana le hore a ithutwe.
Disebediswa tse ding tsa bohlokwa tsa Tsoseletso ya Boitshwaro ke dikarolo tse ding tse ntjha tsa mmuso tse kang Lekala la Molao le Toka Kgaolong ya 8 le Tsamaiso ya Setjhaba Kgaolong ya 10. Kgaolo ya 9 ya Molao wa Motheo le yona e hlomamisitse metheo e tshehetsang demokrasi jwaloka Mosireletsi wa Setjhaba; Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho; Khomeshene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Bosetjhaba, Mekgatlo ya Bodumedi le Puo; Khomeshene ya Tekano ya Bong; Mohlakisi wa Kakaretso; Bolaodi bo Ikemetseng ho laola Kgaso; le Khomeshene e Ikemetseng ya Dikgetho. Mekgatlo ena e lebeletswe hore e kgothaletse le ho tshireletsa ditabatabelo tse fuperweng ke Molao wa Motheo.
Kgaolo ya 10 ya Molao wa Motheo ka ho qoholleha e buwa ka Tsamaiso ya Setjhaba. Karolo ya 195 ho (a), (c) le (I) e etsa monyetla wa hore ho thehwe tsamaiso ya setjhaba e thehilweng hodima makgabane a matjha a tshebeletso ya setjhaba moo ho tla beng ho sebetswa ntle le leeme le ka bokgabane.
Mmuso o ntsheditse pele le Metheo ya Batho Pele a reretsweng ho kgokgothela ka hare ho dihlooho tsa batho makgabane a matjha ha ho nehelanwa ka ditshebeletso tsa setjhaaba. Batho Pele sepheo sa yona ke ho toboketsa mohopolo wa tshebeletso, tlhompho ya baahi, ho nehelana ka ditshebeletso ho setjhaba ka mokgwa o babatsehang, ha mmoho le makgabane a mang.
Ditherisano: Baahi ba lokela hore ba reriswe ka boemo le khwalithi ya ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba di amohelang, mme moo ho kgonehang, ba fuwe boikgethelo ba ditshebeletso tseo ba di fuwang.
Maemo a Tshebeletso: Baahi ba lokela hore ba tsebiswe hore ke boemo le khwalithi efe ya ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba tla di fumana e le hore ba tle ba lemohe hore ba lebelle eng.
Ho finyella ditshebeletso: Baahi kaofela ba lokela hore ba fumane monyetla o lekanang wa ho fumana ditshebeletso tse ba loketseng.
Mosa: Baahi ba lokela hore ba sebeletswa ka mosa le ho ba nahanela.
Tsebo: Baahi ba lokela hore ba fumane tsebo e phethahetseng le e nepahetseng ka ditshebeletso tseo ba lokelang hore ba di fumane.
Ho bonaletsa le ho se lobe ditaba: Baahi ba lokela hore ba bolellwe hore mafapha a naha le a diprovense a tsamaiswa jwang, a qosa bokae, le hore ke mang ya jarang boikarabelo.
Tharollo: Ha boemo boo ho tshepisanweng ka bona ba tshebeletso bo sa fumanehe, ho a hlokeha hore ho kopuwe tshwarelo ho baahi , ho nehelanwe ka tshebeletso e phethahetseng, ho fumanwe tharollo e sebetsang ; mme ha ho na le ditletlebo tse teng, baahi ba lokela hore ba mamelwe ka kutlwelobohloko le ka nepo.
Boleng ba tjhelete: Tshebeletso tsa setjhaba di lokela hore di etswa ka mokgwa o baballang tjhelete le o nepahetseng e le ho fa baahi boleng bo loketseng ba tjhelete ka hohle ka moo ho ka kgonehang.
Mehopolo ya Vukuzenzele le Letsema ke a mang a matsholo a bohlokwa kgothaletsong ya dilekane tse etswang le setjhaba ka kakaretso. Mookotaba o toboketsa dilekaneng tsa mmuso le setjhaba mahlakoreng ohle le batho ho latela motheo wa ho itahlela ka setotswana ka ho phethahala mananeong a tshebetso. Mehopolo ena e tsosa moya wa ho intsha sehlabelo le boikarabelo ba boahi. E toboketsa mosebetsi wa ho haha setjhaba ka moelelo wa ho tshwarana ka matsoho ho sebetsa ha mmoho ho fothola ka metso ho hloka tekano ha nakong e fetileng.
Mmuso, ka tshebedisano le baahi setjhabeng, o se o nkile mehato ya ho lwantsha diphephetso tse fumanehileng Molaong wa Motheo. Ntle le mekutu e tswelang pele, haholo boemong ba mafapha, ho rarolla taba ya dikarolo tse fapaneng tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, boiteko bo akaretsang ba ho sebetsana le Tsoseletso ya Boitshwaro ka mokgwa o batsi e ile ya ba ho epa pitso tsa diwekshopo tse pedi mathwasong a selemo sa 2000. Wekshopo ya pele e ile ya tshwarwa ka Tlhakola selemong sa 2000, mme e ile ya lelekela ka hore Tsoseletso ya Boitshwaro ke taba ya bohlokwa e hlokang hore ho tebiswe maikutlo haholo ho yona. Maikutlo boholo a ile a tsepamiswa tlhalolosong ya bothata. Wekshopo ya bobedi e ile ya tshwarwa ka Motsheanong selemong sa 2000, yona e ile ya kenyeletsa boemedi bo batsi ho feta, mme e ile ya ananela bobatsi ba taba ena e tshohlwang. Ho ile ha ba le maikemisetso wekshopong yona ena hore ho tla ntshetswa pele Moralo wa Naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Le ha ho le jwalo, ho ile ha ananelwa le ho feta wekshopong ena hore ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho kenyeletsa mafapha ohle a mmuso mekutung ena, ho haha tshehetso e matla ya setjhaba bakeng sa mekutu ena, ho fetola dikolo tsa rona ditikoloho tsa boitshwaro, ho hulela karolo ya kgwebo dipuisanong tsena, le ho etsa monyetla wa hore ho kenyeletswe ka tsela e batsinyana karolo ya bodumedi tabeng ena. Wekshopong mona ho ile ha hlohlomiswa dikarolo tse ngatanyana tsa bohlokwa ho latela bohlokwa ba tsona.
Boithaopo bo bong boo ho bona mmuso o ileng wa ba le seabo e ile ya e ba Seboka sa Lefatshe se neng se tshwerwe ka 2000 moo ho neng ho thehilwe maikutlo Kgethollong ya Botjhaba, Kgethollong ya batho bao eseng ba kwano Afrika Borwa le dibopehong tse ding tsa kgethollo e kekeng ya emelwa.
Mekgwa e hlalositsweng ka hodimo e supa boikitlahetso bo boholo bo nkuwang ke mmuso ho ntshetsa pele mokgwa o motjha wa tabatabelo tse arolelanwang tse tobisitsweng Tsoseletso ya Boitshwaro.
Boikitlahetso ba pele boikitlahetsong ba sehlooho bo boletsweng ka hodimo ke ba ho seholla ka mokgwa o totobetseng boemo ba phedisano bo hlokang boitshwaro bo botle le ho ananela boitsebo bo mmoho ba Afrika Borwa ho latela ka moo bo lohothwang ka teng Molaong wa Motheo. Ho potlakela ho tlotlisa Afrika Borwa jwalo ka Setjhaba sa Mookodi ho batla ho le kotsi, empa le ha ho le jwalo ke letshwao le sebetsang le leng le supang boitshwaro bo botjha, bo amang le bo kenyeletsang bohle. Bo tla seolla dintho tse tshwanang le dikgoka, bobodu, peto ya bo mmarona, bana le masea, ho tetekwa ha balekane ba rona le basadi ba rona, le ho nwa madi a bafutsana. Dintho tsena tse mpe ho tsena kaofela di hloka hore rona kaofela re lekole phethahatso e kgonehang ya botle bo akaretsang bo thehilweng bothong ba rona. Dipale tsa Se-Afrika di bitsitse Botho/Ubuntu bona e nngwe ya makgetholli a mekgwa ya rona ya makgabane a phedisano ya batho. Dintho tse kang tshwantshanyo, maele, le ditabatabelo, ditshomo tsa histori le dipale ke tsona tse tlisang kgopolo e jwalo. Le ha ho le jwalo, meetlo le makgabane a bosetjhaba bo itseng a tsepamisa tsela eo motho a lokelang ho etsa dintho ka yona. Meetlo le ditlwaelo tsena di atisa ho bitswa ditlwaelo tsa bohlokwa tsa bophelo. Dinakong tse ngata, ditlwaelo tsena tsa bohlokwa tsa bophelo ke tsona tse tsepamisang botle le bobe ba ketso e itseng. Tsena ke tlhahiso feela ya bosetjhaba ba motho mme ha se tsona tse lokelang hore di tsepamise botle kapa bobe ba ketso. Setjhaba sa Mookodi se hloka ho tiisa hore ditlwaelo tse ding tse itseng tsa bophelo haholo tse amanang le boemo ba phedisano le basadi, di a fetolwa hore di tsamaelane le tsa Molao wa Motheo mme di suthe katamelong ya botjhaba di fihlele tekano le matlafatso tse hopotsweng ho latela Molao wa Motheo?
Ntlha ya bobedi, ke boikitlahetso ba ho kgothaletsa makgabane a kutlwelobohloko, nnete, tokoloho, kgotso le toka ha mmoho le tlhomphano.
Qetellong, Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke boitlamo boo mohlodi wa bona wa mantlha eleng Molao wa Motheo. Nnete ke hore ke tsela e ntjha ya bophelo, e tla etsa hore ho be le mehlala ya batho ba nnete setjhabeng sa rona e le ho fedisa bobodu bona bo jang setsi le ho tebisa maikutlo ditlhokong tsa batho ba tlokotsing ka ho fetisisa bathong ba Afrika Borwa.
Batho ba ithuta makgabane ana hobane a hlokeha, ka tabatabelo le ka ho iphumana o le ka hare le ho amana le batho ba bohlokwa mme ke makgabane a bohlokwa ho bona qetellong. Makgabane a meloko ka ho fapana a tshwarellang nako e telele ke ao hangata a amanang le mokgwa wa boiphediso le kgolo ya batho jwalo ka batho ba teng, a jwalo ka a laolang ditlwaelo tse sa amoheleheng tsa mofuta wa mokoko o itswallang ditholo hara batho, ho ja nama ya batho ba bang le dipolao, eleng makgabane ao ditsebi tsa thuto ya dimela le diphoolo (Baoloji) di re bolellang hore ke dintho tse fumanehang ka morao ho nako e itseng le sebaka, ekasita le bathong ba fapaneng ba sa kang ba kopana ho hang. Mehlala ya morao tjena ke makgabane a boitshwaro a ditaba tsa thobalano tse ntseng di fetoha twantshong ya boitshwaro bo tlang pele ho nako bo tswalwang ke AIDS.
Re boetse re ithuta makgabane hobane ntho e nngwe e re kganna ka morao, e etsa hore moya o be le tabatabelo, jwalo ka boqapi ba mefuta e fapaneng, ho fumana se bolelwang ke bophelo, ho tsoma nnete; lerato la ho bala, ho etsa mosebetsi o lokileng ha mmoho le lerato la naha ya heno, botshepehi le tsepahalo.
Re boetse re ithuta re sa lebella, mohlomong re sa hlokomele, mehlala e hapang maikutlo bathong ba bang ntle le ho nahana haholo ka dintho tsena, mme ka moetlo, thuto ya sekereke le qobello ya batswadi.
Ha re ithute ka karohano, empa re ithuta ka dikamano le batho, jwalo ka lelapa, mokgwa wa thuto, dihlopha tsa dithaka tsa rona, ho bitswang hore ke phedisano le ba bang ho latela batho ba bang. Melawana, makgabane le ditlwaelo tsena tsa bophelo ke dintho tse laolang boitshwaro ba rona mme ke dintho tse etsang hore re kgethollwe, re putswe, re fuwe kotlo le ho kgothatswa. Metheo yohle ya setjhaba ha se e tsitlallelang boitshwaro bo botle kaofela ha yona. Bathong ba Afrika Borwa ba bang, ho na le metheo ya setjhaba e tsitlallelang boitshwaro bo bobe, e jwalo ka dihlopha tsa ditsotsi, di sebetsa ka dikgoka le ditshoso mme ke ka hoo ho leng boima ho di fetola. Re fetola makgabane ana karolo ya bophelo ba rona ka mokgwa wa phedisano le batho ba bang. Ho na le monyetla wa nnete tabeng e reng makgabane a fumanehang ka tsela ya metheo e itseng le hona ho tiiswa ke metheo ena a na le moelelo ho feta mme a tshwarellwa le nako e telele, makgabane ao batho ba ithutileng ona kantle ho metheo ena le ho tiiswa a atisa ho nka nakwana ya ntho e etsang letsatsi feela, ha a na botebo mme ke a motsotswana feela. Lewa lefe kapa lefe, ha ho le jwalo, la ho tsoseletsa boitshwaro setjhabeng se tshwanang le sa rona, se leetong la tlhokeho ya toka e tlwaelehileng ho leba tokeng e hlonngweng ho latela molao wa motheo, se lokela ho ananela hore ho jwang hore batho ba ithute makgabane, mme ka lebaka leo, ba fumane mekgwa e ka lokisang dintho ka ho tshehetsa metheo eo e tswalang tsena. Kgodiso ya ngwana wa moshanyana ho la Afrika Borwa le ntshetsopele ya boitsebo ba botona, eo mehleng ya kgale e ne e hlaloswa ka ho tlala moya wa ntwa, ho ba le mosebetsi o motle, le ho ba le mosadi ya lokileng, ke dintho tseo kaofela di hlokang hore di tadingwe ka leihlo le ntjhontjho ka morero wa ho di fetola?
Ha ho tehwa mohlala, metjha ya ditaba, e jwalo ka radio le theleveshene e ka sebetsa jwalo ka disebediswa tsa bohlokwa bakeng sa ho se fetole feela ditjhadimo le ho bopa makgabane a setjhaba, empa jwalo ka disebediswa tsa ntshetsopele le Tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho feta mona, puo le botjhaba, ha di loheletswe ka hare ho lewa lena, di ka nyehela haholo kahong ya setjhaba eo boikemisetso ba yona e leng ho tjheseletsa mmoho merabe e mengata le ditjhaba naheng ya rona, le ho netefatsa khwalithi le tlhomphano ya banna le basadi. Mehopolo e fumanehang e le teng merabeng le ditjhabeng tse arohaneng, e matlafatsang tekano ya banna le basadi, mohlala, botshepehi naheng ya rona, mmusong wa rona, ha mmoho le matshwao a boemeding ba mmuso jwaloka moetapele kapa baetapele ba naha, Folakga ya Naha, diketsahalo tsa setjhaba le mekete ha mmoho le Pina ya Setjhaba, ke dintho tse lokelang ho ba le seabo sa bohlokwa merarong ya mananeo a bahasi.
Re boetse re hloka ho fumana tsebo e tebileng mekgatlong e amohetsweng ho latela molao wa motheo ya Afrika Borwa e thehilweng hodima bodumedi.
Ma-Afrika, hara tse ding. Tumelo, jwalo ka ha e tswa sebopehong sa yona sa mantlha, e bolela ho tlama mme ditabatabelo tsa yona di tlisa moelelo le sepheo bophelong. Metheo e dulang e le ntho e le nngwe ha ho tehuwa mohlala, ke lelapa, kereke, thuto, basebetsi ba itlhophisitseng le mmuso. Tlwaelo ya boitshwaro ba setjhaba e keke ya arolwa metheong ena?
Tsene ke ntho tse ka sebediswang jwalo ka disebediswa ho tsamaisa molaetsa wa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Mekutu e meng ya bohlokwa ke e sa sekamelang tumelong efe kapa efe e reretsweng ho hloma mokgwa o motjha wa boitshwaro setjhabeng sa rona.
Ho kgahlanong le maikutlo a ka hodimo hore tshebetso ena e tadingwe. Le ha ho le jwalo, ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore makala a mmuso a fapaneng a se a kene mananeong a shebaneng le dikarolo tse ikgethang tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, jwalo ka karolo e ka tlase.
Ditaba tse ngata di se di kene lenaneng la ditaba tse lokelang ho tshohlwa ke mmuso karolong ya Tsoseletso ya Boitshwaro ba setjhaba sa rona.
Tshokollo ya batlodi ba molao le ho busetswa ha batlodi ba molao ka hare ho baahi hape.
Ke taba ya bohlokwa ho lemoha hore le ha mekutu e boletsweng ka hodimo e rarolla ditaba tse ikgethang tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, mohopolo wa mmuso ke wa katamelo e kopaneng e reretsweng ho sebetsana le Tsoseletso ya Boitshwaro, ka morero wa ho fana ka moralo o latelanang le o tshwanang ao ka ona letoto la mesebetsi le ka utlwisiswang le ho latela moelelo wa teng.
Malapa a Afrika Borwa a fetohela dibopehong tse ding tse fapaneng motswadi o se a le mong, e ba a meloko e mengata, ditarasi, a okametsweng ke batjha, a amohelang bana bao eseng ba bona le ho ba abatswadi ba bana bao eseng ba bona. Ha ho na lelapa le nang le ditabatabelo. Malapa a itlhalosang ka bowona ke dihlopha tsa mantlha tseo ditho tsa ona di itshetlehileng ho tse ding, malapa ana a ikemiseditse ho etsa boitlamo ba nako e telele ho a mang. Boikarabelo ba mantlha ba malapa ha se feela ho rua bana le ho hodisa banana le bashanyana, empa ke ho hlokomela le ho tshehetsa ditho kaofela. Malapa a hlokomelang le a fanang ka tshehetso a loketse bohle. A kgothaletsa bophelo bo botle ba masea, bana le ho kenya motjheng bana ba dilemong tsa borwetsana le bohlankana, ho kgothaletsa boiphihlelo sekolong, tlhahiso mosebetsing, bophelo bo botle ba kelello, bophelo bo botle mmeleng le hore batho ba baholo ba tshwarelle nako e telele, maqheku a be le seo ba se etsang le bophelo ba khwalithi, ho kena mesebetsing ya setjhaba le ya baahi, le kgothaletso ya dikatamelo tsa tharollo ya qhwebeshano?
Malapa a tshehetsang le ho hlokemela a fokotsa mojaro wa tlhokomelo o lokelang ho wela mmusong ha malapa a hloleha ho hlokomela bana ba hlokang tlhokomelo ha mmoho le batho ba baholo. Afrika Borwa e na le palo e hodimo ya malapa a sa sebetseng hantle. Mona ho kenyeletswa malapa ao, ka lebaka le leng le itseng, a sa hlokomeleng kapa hona ho tshehetsa ditho tsa malapa a bona, ho kenyeleditswe ditho tse hlokang tlhokomelo (jwalo ka bana ba itshetlehileng ho batswadi ba bona, batho ba tsofetseng, basadi le ditho tsa malapa ba qhwadileng). Ho feta mona malapa a ka nna a ba le motho kapa batho ba nang le mathata a matla a kelello, a mmele kapa a phedisano a tshosang bophelo bo botle ba malapa a bona le ditho tse ikemetseng di le ding tsa lelapa, jwalo ka mohlala wa tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi.
Ho tsebahala tse ngata ka malapa le batho ba hahisaneng le ona ha mmoho le tshusumetso ya tswakano ya bona baneng le batjheng. Ho boima hore malapa a sebetsang hantle hore a ntshetse pele phedisano e ntle le boiphihello baneng ha malapa a phela hara bahahisani ba malapa a sa sebetseng hantle. Ka ho tshwana, bana ba tswang malapeng a phelang hara bahahisani ba fanang ka tshehetso ba sebetsa hantle ho feta ka moo ho neng ho lebeletswe ka teng.
Mosebetsi o neng o eteletswe pele ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o tseleng ya ho hlahisa leano la lelapa. Lefapha le ka boela la fola molemo ka ho hlahloba tlwaelo e hlwahlwa ya matjhaba {Mmuso wa New Zealand o na le komiti ya kopano ya matona e matlafatsang malapa mme ho na le Morero wa Amerika wa Malapa a Itlhophereng, ele mehlala}ya merero e radilweng ho matlafatsa malapa a sa sebetseng ka ho phethahala. Ba boetse ba ka lekola le taba ya ho tshehetsa ka ditjhelete metheo eo eseng ya mmuso e nehelanang ka tlhokomelo e loketseng, le ho etsa hore ho be le kamano e teng pakeng tsa bana le bo-Ntata bona ba siyo ka lebaka la karohano ya molao ya lenyalo kapa karohano feela, le merero e meng e jwalo e metjha ele ho arabela bohlokong bo amanang le malapa a senyehileng. Morero o simollang, oo eleng ona mokgatlo o ikgantshang ka ona, o ka sebedisetswa ho etsa mekutu e tshwanang le Morero wa Amerika wa Malapa a Itlhophereng mona Afrika Borwa.
Ntle le tlhokeho ya ho rarolla mathata a amanang le malapa a sa sebetseng hantle, phephetso e dula e le teng ya ho ntshetsa pele malapa a sa sebetseng hantle le metheo e meng ya phedisano e reretsweng ho nyehela tabeng ya ho theha baahi ba ka hlokomelang ditokelo tse fuperweng ke Molao wa Motheo.
Mekgatlo ya bodumedi ke mekgatlo ya boemedi feela phedisanong eo mosebetsi wa yona wa mantlha e leng ho fana ka tlhaloso le ho tjhorisa dipuisano tsa boitshwaro le makgabane a phedisano.
Ditlhoriso tsa batho ka lebaka la ditumelo tsa bona ha se lekgetholli la sethathong la tumelo efe kapa efe, empa ka dinako tsohle ke lekgetholli le matla la molao wa ditumelo kaofela kapa la ditumelo tse thehilweng ka molao?
Ka lebaka lena, ho latela molao wa motheo, kereke, mosque kapa synagogue di arotswe ho mmuso ka selemo sa 1995, ka lehlakoreng le leng le ka lebaka la kamano e teng ya bokgopo dipakeng tsa ditlwaelo tsa mmuso wa kgethollo le Kereke ya Dutch Reform ya Afrika Borwa, ke yona ntho e etsang hore ho se ke ha ba le tumelo e tsheditsweng ke mmuso. Demokrasing e nngwe le e nngwe ho arolwa ho matla dipakeng tsa matla a taolo ya mmuso le dibaka tsa boitshwaro e nepahetse mme e loketse ho etswa.
Ka hoo, mmuso leweng la ona la ditabatabelo o keke wa kgothaletsa kapa wa kgetha tumelo e nngwe kapa motshwako ofe kapa ofe wa ditlwaelo tsa tumelo. Diteko tsa ho bontsha ho kgetha lehlakore le itseng di tla be di sa tsamaelane le molao wa motheo mme dipolotiking ha di sebetse hantle, ebile di nyedisa botsitso ba setjhaba le kutlwano ya ditumelo. Mmuso, le ha ho le jwalo, o ka kgothaletsa tlhaloso tsa ditumelo kaofela tse matlafatsang kutlwelano, tekano, kgotso, le boitlamo ba setjhaba sebakeng sa ditlhaloso tsa ditumelo tse fokolang, tse tehelang ba bang ka thoko, tse kgothaletsang ho se utlwelane le boshwelatumelo.
Seo mmuso o ka se etsang ke ho tshehetsa mekutu ya ditumelo tse sebeletsanang tse kgothaletsang metheo ya molao ya motheo wa kutlwelano, poelano le molawana wa molao sebakeng sa setjhaba, setjhabeng se nang le ditumelo tse kgolo tse fapafapaneng jwalo ka letlotlo la motheo wa botjhaba ba rona.
Ena ke ntlha ya bohlokwa ka ho ikgetha ka morao ho ketsahalo ya lefatshe ya mohla la Loetse ya la 11, moo qhwebeshano le ntwa ka Leboya di hlahiswang e le tsa bodumedi mme hona ho pukutla le ditlwaelong tsa ditumelo tsa rona le dikereke tse fapafapaneng ka ditsela tse sa jeseng ditheohelang, le ka mekgwa e kgukgunang. Dipuisano tsa setjhaba ka ditumelo tsa kopanelo le boithuto ba mahlakore a mabedi ka se bolelwang ka boferekanyi, toka le dintwa tse se nang toka, ho mpipetsi e teng dipakeng tsa dintho tse lokelang ho etswa ho latela tumelo le molao wa motheo, le qhwebeshano dipakeng tsa mebuso ya naha e phethahetseng le boitshwaro ba ditaba tsa dinaha tsa kantle tlasa morero ona wa ho kopanya lefatshe, ha se ntho e tla ruisa feela dipuisano tsa setjhaba empa ke ntho e tla ntshetsa pele boitlamo ba boitshwaro ba boetapele ba bodumedi ho fihlela kgotso, mamellano, le ho etsa dintho ho latela molao wa motheo boitshwarong ba poraefete le ba baahi ba setjhaba?
Mosebetsi ona ho hopolwa hore ke wa Khomeshene hore e bone hore ho na Kgothaletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Botjhaba, tsa Ditumelo le Ditjhaba tsa Dipuo kapa bahlokomedi ba teng, eleng Lefapha la Provense le Mmuso wa Selehae.
Lefapha la thuto le ile la thakgola mekutu ya hore ho be le makgabane thutong selemong sa 2000 mme la phatlalatsa sephetho sa lona Mohoong wa Makgabane, Thuto le Demokrasi ka Phato 2001. Mohoong ona ho fumanwe le ho tshohlwa makgabane a leshome a molao wa motheo le mawa a leshome le metso e tsheletseng hore a ntshetswe pele.
Lenaneo la dithuto la 2005 le hlophisitsweng botjha le kenyeleditse le sephetho sa sehlooho sa mekutu ya boitshwaro dibakeng tse ntjha kapa tse ileng tsa lekolwa botjha tsa thuto. Bolaodi bo bitswang Botjhaba le Makgabane bo ile ba thehwa Lefapheng mme lenaneo le bapatsang makgabane le matshwao a rona a naha esale le sebetsa ho tloha ka 2001.
Phephetso ke ho rarolla ditjhadimo tsa kgethollo ya bong ka mokgwa wa thuto ya molao, le ho netefatsa hore dibaka tsa thuto, jwalo ka metheo ya bohlokwa ya phedisano, e ka ba le nyehelo ntshetsopeleng ya bana ba batona hore e be banna ba nang le kutlwelo ya bong, ba hlomphang seriti sa basadi le tekano ya bona, ha mmoho le hore e be batho ba nenang dikgoka tse sebediswang kgahlano le basadi le bana ekasitana le bonwamadi.
Morero wa Histori ya Naha o hlomamisitswe, mme mosebetsi wa teng ke ho hlahisa theepa ya histori e ntjha, ho tshehetsa thuto ya histori le dibaka tsa rona tse fanang ka thupelo matitjhereng a histori.
Le ha ho dula ho na le sebaka sa ntlafatso le mekutu e metjha boemong ba sekolo, mme le ha tharollo ya dikolo tse sa sebetseng hantle e eso fumanehe boemong ba provense, morero wa makgabane o motjheng o motle, mme o na le matla a mmuso.
Lefapha la Thuto le tla be le sebeditse hantle ha le ka atolosetsa mekutu ya lona ya makgabane karolong ya thuto e phahameng ya thetjhiari, mohlomong jwalo ka morero oo ho ka ikotlwang sefuba ka ona lefapha le tshware Seboka sa Naha se mabapi le Puso le Makgabane bakeng sa karolo ya thuto e phahameng ya Afrika Borwa.
Batho esale ba ntse ba na le tsela ya ho bapala ka mokgwa o mong o itseng. Le ha ho le jwalo boiketlo le dipapadi ke ntho ya sejwalejwale, ntlheng ena ya dipapadi di-indastri ke tsona tse ileng tsa qapa nako ya boiketlo, metsotso ya ho se etse letho e hlokang hore e tlatseletswe ka ho hong?
Ho bala e ne e tla ba ntho e lokileng ho feta ho se etse letho, mohlomong le radio, hobane ke ntho tse tlisang phephetso ya monahano, empa theleveshene ka kakaretso e batla e kenya botswa, ha e na phephetso ya kelello. Mananeo diteishene tsa theleveshene a lokela hore a ke a tjhoriswe hape hore a suthiswe ditshwantshisong, letotong la ditlolo tsa molao le ditshwantshisong tse nang le dikgoka, mme e tobe mananeong a fanang ka thuto kapa a kgothaletsang makgabane a boitshwaro bo botle le nnete.
Dipapadi le tsona e ne e tla ba ntho e ntle, hobane di hloka matla a itseng, di tlisa monyaka le bophelo bo botle, di tshela meedi ya puo le botjhaba, di fana ka mokgwa wa puisano o tshelang meedi, ho theha sebaka se thahasellwang ke bohle le moya wa kgotso, mme di na le bokgoni ba mamellano, tshepo, tlhompho le phedisano e hohellalang ba bang ho ba bang.
Dipapadi di boetse di na le melawana ya tsona ya ho sebetsana le tsona, papading sehlopha, ka dinako tsohle ho hlokeha hore motho a be sedi ka tekano e tshwanetseng dipakeng tsa boiphihlelo ba sebapadi bonngweng ba sona le sepheo se kopanetsweng sa sehlopha. Qetellong, ke sebaka sa bohlokwa moo dipapadi tse ratwang ke baahi ba rona ba batjha di ntshetswang pele le moo setshwantsho sa kaho ya setjhaba se bonahalang teng ha mmoho le ho keteka seo Presidente Thabo Mbeki a ho bitsang boikgantsho bo botjha ba setjhaba ho ka etsahalang, ka pele ho dimilione tsa babohi?
Dipapadi dikolong ke ntho e nngwe, ka diphephetso tsa yona mabapi le mehlodi, ho arolelana menyetla le phetoho. Dipapadi kantle ho sekolo, le dipakeng tsa dihla tsa nako ya sekolo, e boetse ke ntho e nngwe hape. Dipapadi tse hlophisitsweng kantle ho nako ya molao ya sekolo di nehelana ka monyetla ho ba kenang sekolo ha mmoho le batjha ba sa sebetseng ba lokelang hore e be ba kena sekolo empa ba sa kene sekolo, bao ditlolo tsa molao di ba kgahlang habonolo hobane ba hloka ntho eo ba e etsang.
Dibopeho tse ding tsa boithapollo, haholo moo batho ba teng ba haellwang ke menyetla ya boithapollo le mehlodi, di lokela hore di kgothaletswe ka teko ya ho lwantsha tshebediso e mpe ya dithethefatsi le dihora tseo batho ba di qetang ba le jwaleng dishebining jwalo ka ha dibaka tsena di fetohile dibopeho tse hlahetseng ka mahetla tsa boithapollo.
Dilemong tsa bo 1960 le tsa bo 1970 ho ne ho na le mokgatlo o bitswang Veld & Vlei o neng o hlophisa menyetla ya ho tswa letsholo la ho ya khempa e le moo ho neng ho sebetswa ka matla ebile ho na le monyetla wa boikwetliso ba mmele bo hlwahlwa haholo dipakeng tsa dinako tsa dihla tsa sekolo. Tsena di seke tsa tswakwa le Veldskole tsa bo selemo sa 1980 tseo ka tsona batjha ba neng ba susumetswa ho tshehetsa mohopolo o ikgethang wa dipolotiki. Sebaka se tjena sa morao tjena sa mofuta wa Veld & Vlei ke Outward Bound, e leng e hohle lefatsheng ka tokelo ya selehae, ho kenyeleditswe le ya Afrika Borwa eo diahelo tsa yona di fumanehang Knysna?
Lefapha la Dipapadi le Boithapollo le ka lakatsa ho sheba Outward Bound le mekgatlo ka sepheo sa ho nehelana ka thuso ya tshehetso ho dihlopha tse lokelang tsa Ma-Afrika Borwa a matjha, e le hore ba tle ba kgone ho tlatsa sekgeo sa bona sa boithapollo ka tsela e nang le moelelo ya boikwetliso ba mmele bo tla ba le sephetho se nkang nako e telele bakeng sa boikitlahetso ba makgabane ana le tshebedisano ya sehlopha. Dipapadi tse jwalo tsa boithapollo di ka kenya letsoho kahong ya boitshwaro ba tikoloho bo tshwanetseng hore e be ke karolo ya Tsoseletso ya Boitshwaro?
Tatello ya phethahalo ke tabatabelo ya ditjhaba tsohle tse atlehileng. Ka ho ikgetha, phethahalo ya bokgabo le saenseng ke sona seo eleng mohopolo wa sehlooho oo ditjhaba di batlang ho ipona di o emela. Ha se ntho e bonolo, hore jwalo ka letswantle, o tlohe Chile ntle le ho ba le mohopolo o tebileng ka Pablo Neruda ya setjhaba sa moo. Hape se tshwanang le seo ke mmino wa Jean Sibelius o bontshang setshwantsho sa batho ba Finland mme ona ha o lebalehe jwalo ka matsha a moo ka bowona. Nyehelo e matla ya borasaense ba Majeremane ntshetsopeleng ya diphetoho tsa thuto ya mahlale a fisikse dilemokgolong tsa bo mashome a mabedi, le ha bongata ba tswelopele tsena di ile tsa etsahala haufi le dilemong tse lekgolo tse fetileng, empa sena se ntse se duma ka dihloohong tsa Majeremane ka matla le hona jwale.
Se etsang Ma-Afrika Borwa hore a be boemong ba lefatshe ha se feela bokgabane ba taolo ya bona, empa ke seabo se akaretsang lefatshe seo ba nyehelang ka sona le mefuta ya teng. Ka hona ha ba emele feela makala a bona empa ba emela le dinaha tsa habo bona; ke maqosa a rona lekaleng la bokgabo, botjhaba le saense lefatsheng. Ba sebetsa jwalo ka batho ba matla bao batjha ba Afrika Borwa ba nkang mohlala ho bona ebile ba lakatsa ho tshwana le bona, ke bona dikgohedi tsa tabatabelo tsa botjha. Ntho e nngwe hape e tshwanang le eo haeba e sa e fete ka boemo, ho semathi se babatsehang, Ma-Afrika Borwa ana ha ananelwe ka mokgwa o jwalo, mme ha ba tshehetswe ho lekaneng nyehelong tsa bona tsa boqosa boo eseng ba molao. Letsholo le sa tswa tshwarwa haufinyane la Keteka Afrika Borwa la London le ile la bontsha nyehelo e matla eo Ma-Afrika Borwa a jwalo a ka bang le yona papatsong ya Afrika Borwa lefatsheng.
Lefapha la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji le ka nna la lakatsa ho lekola taba ya ho bokella sesiu sa lesedi la bokgabane ba Afrika Borwa bononong le saenseng ekasitana le ho hlahisa lenaneo la boemo bo hodimo la dikgau tse tlang ka bonngwe bonyane, dikgau tsa boemo ba letona ho ananela ba ileng ba sebetsa hantle ho feta selemong se seng le se seng, banna le basadi, ba batsho le ba basweu. Lefapha mohlomong le ka nna la kopa diyunivesiti hore di phehisane ka taba ya hore ho hlomamiswe setulo se tla sielanwa ka kutlwisiso ya setjhaba ya tshebetso e hlahetseng ka mahetla dithutong tsa disaense, jwalo ka setulo se neng se dutswe ke Richard Dawkins Yunivesiting ya Oxford?
Batho bao eseng ba Afrika Borwa, ho kenyeleditswe le Ma-Afrika ao eseng a kwano, ba tlileng kwano jwalo ka baphaphathehi kapa bafalledi, ba na le boemo ba molao ho latela molao wa matjhaba wa selehae, ekasitana le bao ba tlileng kwano ntle le molao ba kgona ho fumana tshireletso e itseng ka molao. Baphaphathehi ba molao le bafalledi ha ba na tokelo feela ya hoba kwano, empa ba lokela hore ba amohelwe jwalo ka batho ba nang le nyehelo botjhabeng ba rona le moruong wa rona, hobane seo ke seo ba se etsang. Ma-Afrika Borwa a lebetse ka tshehetso ya matjhaba e ileng ya thusa tokolohong ya naha ena le e fileng batho ba bangata bodulo ba neng ba le kgolehong kantle ho Afrika Borwa, ke ka hoo le rona re tlamehang ho otlollela letsoho le jwalo le ho amohela batho bao eseng ba Afrika Borwa ba teng kwano naheng ena ka molao.
Dinaha tsa bofalledi tse kang Amerika di fa baphaphathehi ba tsona ba moo ka molao ha mmoho le bafalledi menyetla ya molao ya hore ba ithute puo ya bona ya molao, histori ya naha ya baahi le ya molao wa motheo, mme e fana le ka tshebeletso e thusang batho bana ho fumana matlo, le ho fumanela bana ba bona sekolo, le hore ba fumane ho ka fihlella ditshebeletso tsa banka le tse ding tsa bophelo. Australia e fana ka menyetla e jwalo le yona, eseng hobane e le ntho e nepahetseng eo ba e etsang, empa e le hobane ba tswakella le ho kenyeletsa botjhabeng ba setjhaba sa bona, batho bao eleng bafihli botjhabeng ba bona, ditabatabelo tsa bona, makgabaneng a bona le ditseleng tsa bona tsa mekgwa ya phedisano ya setjhaba sa bona, mekgwa ya hore ke bo mang, ba ntse ba fapane le ha ho le jwalo ho boetswe ho bolokwa le mokgwa wa mofuta wa mofuta o itseng wa botjhaba ba ditjhaba tse fapafapaneng tse ngata.
Batho ba hlokang boikemelo ba molao Afrika Borwa ba keke ba amohela ditshebeletso tse jwalo. Lefapha la Mesebetsi {ka tshebedisano mohlomong le Lefapha la Ditaba tsa Lehae} a ka nna a labalabela ho lekola tlwaelo tse hlwahlwa tsa matjhaba tabeng ya ho fana ka ditshebeletso tsa bofalledi le tsa bophaphathei le ho feta moo, ka morao ho tekolo e itseng, ho thuswe ka tjhelete mekgatlo eo eseng ya mmuso e tshwanetseng le e nang le tsebo e loketseng e tla fana ka ditshebeletso tsena tse kopanetsweng tsa kaho ya setjhaba molokong o mong le o mong wa batho ba fihlang botjha.
Dilemong tsa qetelo tsa ho lwanela puso ya demokrasi di ile tsa tlisa diphetoho tse kgolo ditjhabeng. Ka lehlakoreng le leng, sebete seo baetapele ba setjhaba le sa baahi ba tlwaelehileng se ne se le tekong ya matla a Mmuso wa Kgethollo. Ka lehlakoreng le leng, ditho tsa setjhaba di ne di phephetsa matla a baetapele ba setjhaba, haholo a ditho tse ntjha, tse ileng tsa ikutlwa hore ha di hlile ha di hlasele mokgwa wa puso ka bohale bo lekaneng. Ho ile ha ba le ponahalo e fosahetseng ya dibopeho tse ngata tsa taolo, ho tloha ho sepolesa ho fihlela ho marena le ho fihlela ho baetapele ba setjhaba ekasitana le ho dihlooho tsa malapa. Sekgeong sena se neng se le teng sa taolo, se neng se tlatsitswe hanyenyane ke maemo a fapaneng a boetapele ba dipolotiki, ho ile ha kena letoto la ditlwaelo tse ding tse fosahetseng tse nyenyane. Ditjhabeng tse ding ditlwaelo tsena tse nyenyane di ile tsa nnile tsa haswa nakong ya dilemong tse mashomeshome. Dihlopha tse tswang setjhabeng tse kang maqulwana a itseng a dikebekwa di ile tsa amohela matla le taolo ditjhabeng tse jwalo mme tsa hlahisa mokgwa wa boitshwaro bo sa amoheleheng. Nthong e ka etsang dilemo tse leshome ka mora puso e ntjha ya demokrasi mmuso o motjha o ntse o sebetsana le mathata ana a ileng a salla morao.
Ho hlakile hore ditjhaba tse sa hlophisehang hantle le tse hlokang mekgwa e hlakileng hantle ya taolo, boitshwaro, mekgwa ya boikarabelo le ya ho amohela boikarabelo, di fana ka monyetla wa ditlolo tsa molao. Ditlwaelo tse fosahetseng tse jeleng setsi tse tsohang nakong ya tlhokeho ya tlhophiso e ntle le tlhokehong ya tekano ya moruo e fana ka dikgopolo tsa ditlolo tsa molao. Tshebediso ya dithethefatsi e nehelana ka monyetla wa ditlolo tsa molao. Mokgwa wa nakong e fetileng o sa phethahalang wa tsamaiso ya toka ditlolong tsa molao ho ka sokolla ba tlotseng molao, ho tiisa hore ha ba kgutlela hape bophelong bo lokileng ba phedisano ya setjhaba le ho thibela taba ya hore ba iphumane ba tshwasehile diketsong tsa tlolo ya molao hape, hobane ntho eo ke yona e etsang hore sedikadikwe sa tlolo tsa molao se dule se tswela pele ho ya ho ile.
Ka hoo, mananeo a ho busetsa madulong makgabane a setjhaba le ho tiisa dikarolo tse nepahetseng tsa makagabane ana a lokela hore a behwe kahare ho motheo o kopantsweng wa Lewa la Ntshetsopele ya ka dinako tsohle ya Metse eo eseng ya diteropo le Lewa la Ntjhafatso la Metse ya diteropo. Lefapha la Puso ya diprovense le ya Selehae, ka thuso ya mafapha a nkgang lefotha thibelong ya ditlolo tsa molao ya phedisano, e tla ba sebaka se loketseng moo mananeo a mofuta ona a ka hlongwang teng. Ha baetapele ba baahi, marena le baetapele ba ditumelo ba ka ba le nyehelo mona, e tla ba ntho ya bohlokwa e le ruri.
Bahlanka ba Setjhaba ba tobana le maemo a fapafapaneng ao ho ona ditaba tsa boitshwaro le taolo di hlahang. Setjhaba se lebeletse hore ha ho dihuwa kahlolo, bahlanka ba setjhaba ba tla hlahisa boemo bo hodimo ba boitshwaro ba sebele le tekolo ya se tsotellwang ke setjhaba, ho kgothaletsa makgabane a fuperweng ke Molao wa Motheo le Metheo ya Batho Pele.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba ka kananelo ya sena, e ile ya phatlalatsa Khoutu ya Boitshwaro ya Bahlanka ba Tshebeletsong ya Setjhaba selemong sa 1997, e hopoletsweng ho sebetsa jwalo ka motheo oo ho tla itshetlehwa ho ona bakeng sa ho kgothaletsa boitshwaro bo loketseng Tshebeletsong ya Setjhaba. Nakong ya ha ho ne ho ngolwa tokomane ena Bukana e nang le tlhaloso ya Khoutu ya Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba e ne e se e ntse e le mathuleng a hore e phatlalatswe. Bukana ena e lebeletswe hore e matlafatse kutlwisiso le ho etsa monyetla wa phethahatso ya Khoutu ya Boitshwaro.
Mosebetsi wa sehlooho wa Tshebeletso tsa Lefapha la Tshokollo ya batshwaruwa ke Tsoseletso ya Boitshwaro ka tsela ya tshokollo. Le ha tshekamelo ena e le e batlang e le ntjha, e qadile ho nka boemo ba sehlooho nehelanong ya tshebeletso ya tshokollo Afrika Borwa. Mananeo kaofela a lefapha a radilwe ka ho ikgetha ho tshehetsa tsoseletso ya boitshwaro bakeng sa bao ba ileng ba kgeloha mekgweng e amohelehileng ya boitshwaro setjhabeng. Hona ho supa ho sutha ho hoholo mokgweng wa pele, ditjhankane di tloswa boemong ba ditsha tse fanang ka kotlo ho di fetola dibaka tsa boemedi tsa ho lokisa boitshwaro le ntshetsopele ya moya. Mosebetsi ona o etsetswa monyetla o jwalo ke Lefapha mme o ntshetswa pele ka tshebedisano le baahi setjhabeng ekasitana le dikarolo tse ding tsa mmuso.
Katamelo ena e ntjha e tswalwa ke ho hlokomela hore ho hlokeha mekutu e meholo ya ho katla kgolo ena eo eseng ya dipalopalo feela, empa e le ya matla le sebopeho sa dikgoka sa ditlolo tsa molao tse bang teng. Tshebeletso ya Lefapha la Tshokollo ya batshwaruwa e simolla tabeng ya hore ho fapana le tumelo e tlwaelehileng ya hore batlodi ba molao ke karolo ya mawala ohle a etswang a ho fedisa ka hohlehohle ditlolo tsa molao setjhabeng. Re lokela ho ba sokolla, re ba kgothatse ka makgabane a nepahetseng le ditabatabelo tsa setjhaba mme re ba dumelle ho ba le nyehelo e utlwahalang kahong ya setjhaba.
Tshokollo ya batlodi ba molao, jwalo ka thibelo ya ditlolo tsa molao ya sepheo sa nako e telele, ke yona taba ya bohlokwa ya mananeo a Lefapha la Tshebeletso tsa Tshokollo ya batshwaruwa, a tsheheditsweng ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba mohatong wa ho kopanya tshokollo. Mokgwa ona wa katamelo ena o nkile sebaka sa mokgwa wa katamelo ya kotlo e neng e toboketsa ho kwalla batshwaruwa. Tshokollo ke mokgwa wa katamelo e makalakala ya ditlolo tsa molao o kenyeletsang mooko o fapafapaneng ka ditsela tse ngata. Thuto, ho tjhorisa, ho ithuta mosebetsi wa matsoho, ho fa motshwaruwa lesedi la boitshwaro le la moyeng, kgolo le ntshetsopele ya kelello, ntshetsopele ya botho ba motho le tokisetso ya ho lokollwa tjhankaneng, ke a mang a makala a lenaneo la tshokollo. Mokgwa ona wa katamelo ena o tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha tabeng ya hore ho thehwe tikoloho e tla dumella boitshwaro kapa boitaolo, boitshetleho bathong ba bang, tshehetso e tswelang pele ya lelapa le setjhaba, ha mmoho le hore motshwaruwa o fumane sebaka sa ho busetswa hape kahare ho setjhaba?
Mokgwa wa katamelo ya Toka ya Tokiso, oo haufinyane o ileng wa thakgolwa ke Mmuso ho matlafatsa mokgwa wa toka ya ditlolo tsa molao le mananeo a tshokollo, ke sesebediswa se seng hape sa Tsoseletso ya Boitshwaro setjhabeng sa rona. Katamelong ena, le kgetlong la pele historing ya Afrika Borwa ya mokgwa wa Toka wa Ditlolo tsa molao, diphofu di kgubung ya tharollo ya tlolo tsa molao. Ona ke mokgwa o mong oo Mmuso le mafapha a mokgwa wa toka ya tlolo tsa molao o lekang ho fodisa maqeba a tlolo tsa molao le ho sebeletsa setjhaba se bolokehileng.
Ho na le maikemisetso a ikgethileng ao seboka se lakatsang ho a fihlella.
Nehelana ka monyetla wa ho phuthulloha ha mokgatlo o sa tsitsang wa batho ba bangata ho thusa le ho tshehetsa mmuso?
Ho hlahisa mohato wa mananeo a naha a tla abelwa sebaka sa bohlokwa haholo lenaneng la ditaba la naha nakong e mahareng.
Ho amohela lewa le tla susumetsa boraditaba ho kenya letsoho seabong sa bohlokwa sa ho arolelana molaetsa wa Seboka le baahi ka kakaretso.
Ho theha lenaneo le sekametseng selekaneng se tla kenyeletsa seabo se hoketsweng le se tla fana ka seabo se batsi sa baahi setjhabeng, le kgwebong tsa poraefete le tsa setjhaba.
Ho rala mawa a kenyeletsang dintho tsohle a thehilweng hodima sebopehong se makalakala sa ditaba tsa bohlokwa tharollong e tshwarellang ya ho fedisa mathata a setjhaba le a moruo setjhabeng sa rona.
Ho ikakgela mananeong a mmuso a batsi a ng le makala thutong, taolong ya boitshwaro mmusong, toka e sebetsang le e sokollang ya batlodi ba molao, le tshireletso ya setjhaba, e tla behwa boemong ba bohlokwa haholo nakong e mahareng.
Hore baamehi kaofela, eleng mmuso, kgwebo le mosebetsi, ha mmoho le baahi setjhabeng, ba amohela mohato wa lenaneo le nang le dintlha.
Ho amohela lewa le tla ba le tshusumetso ho boraditaba hore ba be le seabo sa bohlokwa karolelanong ya molaetsa wa Seboka le baahi ka kakaretso.
Ho theha lenaneo le sekametseng selekaneng se kenyeletsang seabo se batsi le se hokantsweng sa baahi setjhabeng, ha mmoho le kgwebo tsa poraefete le tsa setjhaba.
Ho theha mekgwa ya tlhokomelo ho etsa bonnete ba hore diqeto tsa Seboka di a phethahatswa.
<fn>sot_Article_National Language Services_TOKOMANE YA MARENA YA.txt</fn>
Ena ke tlhophollo e akaretsang ya ka moo thuto ya tlwaelo ya ditokelo tsa botho e nnile ya thathika ka teng mona ho la Afrika Borwa. Ha taba ena e tadingwa ho tloha ditokomaneng tsa matjhaba le tsa selehae, ditokelo tsa botho di lokela hore di lekolwe di hlahuwa kantle ho leba kahare. Ntle le taba ya ho shaitsa ha tsebo thutong ena ho tliswang ke hore mohopolo ona wa ditokelo tsa botho o boetse wa ananelwa botjha ho la Afrika Borwa, kgaolong ena ho tla hlwelwa ditokomane tsa matjhaba, tsa selehae le tsa naha.
Mathata a dipolayano ao batho ba ileng ba thulana le ona nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe a ile a etsa hore Matjhaba a Kopaneng a fihlele qeto ya ho hlahisa boitlamo ba bona ba kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Sena se etsahetse ho tloha ka selemo sa 1946 ha Seboka sa Matjhaba a Kopaneng se ne se theha Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng. Selelekela sa yona se boetse se tiisa tumelo ya ditokelo tsa mantlha tsa botho, ho latela seriti le boleng ba botho ba batho, tekanong ya ditokelo tsa banna le tsa basadi?
Afrika Borwa jwalo ka mmuso oo e leng setho e ile ya ba le seabo sa bohlokwa Tjhateng ena hobane Tonakgolo ya teng, Jeneral Smuts, o ile a rala Tjhata ena. Diathekele tsa Tjhata ena hara tse ding, di tlama Matjhaba a Kopaneng ho kgothaletsa tlhompho e akaretsang ya kananelo ya ditokelo tsa botho le bolokolohi ba mantlha ba bohle ntle le kgethollo ho latela bomorabe, bong, puo kapa bodumedi?
Ho latela athekele ya 56, ho ne ho lebeletswe hore mebuso eo e leng ditho e tla ikamahanya le tokomane ena. Le ha ho le jwalo, ho ile ha hlaka hore Afrika Borwa e nnile ya tswela pele ho tlola molao wa ditokelo tsa batho. Le ha Matjhaba a Kopaneng a ile a boela a tsepamisa qeto ya hore ho molemong wa botho hore ho fediswe kgethollo ya batho ho latela bomorabe, Yunione kapa Rephaboliki ya Afrika Borwa e nnile ya tswela pele ka ho tlola ditokelo tsa botho ba batho.
Tjhadimo ena e ne e thehilwe athekeleng ya 2.7 ya Tjhata ena e neng e thibela boitshunyatshunyo ba Seboka sa Kakaretso ditabeng tsa selehae e neng e bonwa e fana ka bolokolohi ba tlolo e tshabehileng ya ditokelo tsa botho. Kgethollo ya Afrika Borwa e neng e thehilwe bomorabeng e ne e bonahala e sa kgeme le boitlamo ho latela Tjhata ke ka hoo ka 1982 Matjhaba a Kopaneng a ileng a etsa qeto ya ho kgaola maqhama a yona a bonqosa le Afrika Borwa?
Athekele ya 2.7 e ne e tlisa kgohlano dipakeng tsa ditokelo tsa botho le boitlamo, mmusong oo e leng setho hobane e ne e hlahisa hore, ha ho letho le fuperweng ke Tjhata ena le tla fana ka matla Matjhabeng a Kopaneng ho itshunyatshunya ditabeng tse welang tlasa taolo ya selehae tsa mmuso ofe kapa ofe kapa le tla etsa hore ditho di hlokwa hore di fetisetse dintlha tsena tharollong tlasa tjhata ena, empa motheo o ke ke wa beha ka mosing tshebediso ya mehatoya qobello ho latela Kgaolo ya VII.
Empa ntle le dikgaello tseo tsa ona, Tjhata e ile ya fana ka lesedi la bohlokwa la ntshetsopele le ntlafatso ya tabatabelo tsa ditokelo tsa botho tsa matjhaba ha mmoho le maemo. Mohlala, mekgatlo e fapaneng e ile ya thehwa ka boitshetleho ba thuso ya Matjhaba a Kopaneng, kgotsofatsong ya boitlamo ba Tjhata. Mehato ena e ne e le ka sebopeho sa diphatlalatso kapa ba dipokano. Tse ileng tsa etella pele Dipokano tsena di ke di na le metheo e batsi ho netefatsa bomolao ba dilekane tse tlabolwang. Tokomane e amohetsweng pele ka selemo sa 1948 e ne e le Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho. Tokomane ena e ile ya amohelwa ke mebuso e 48 ho e 56 eo e leng ditho, mme mebuso e 8 e neng e kenyeleditse le Afrika Borwa ha e ya vouta. Le ha ho le jwalo tokomane ena e ile ya fihlella kananelo e batsi eo e leng mokolokotwane boemong ba selehae le ba matjhaba. Hape sena se ile sa bontsha tshebediso ya tjhadimo ya Matjhaba a Kopaneng ya phatlalatso. Tjhadimo ena e hlahisitswe le molaetseng o phatlaladitsweng ka bobatsi o ileng wa fumanwa ofising ya Ditaba tsa Molao moo e reng ho latela matla le bohlokwa ba phatlalatso, e ka nkwa e na le tshusumetso ya tebello e matla lebitsong la mokgatlo o e ananelang, ya hore ditho tsa setjhaba sa matjhaba di tla ikamahanya le yona. Ka lebaka lena, ho ya ka moo tebello e yang e matlafatswa ke tshebetso ya Puso, phatlaltso ena, ka tlwaelo e ka nna ya ananelwa e le e tsepamisang melawana e tlamang mebuso. SHo thusa ho esa monyetla wa bomolao ba Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho, Selekane sa Matjhaba sa ditokelo tsa Boahi le Dipolotiki ha mmoho le Selekane sa ditokelo tsa Moruo, tsa Phedisano le tsa botjhaba di ile tsa amohelwa ke Matjhaba a Kopaneng ka maikemisetso a hlakileng a ho fetola hore phatlalatso e sa tlameng e fetohe e tlamang ya molao eo ka kakaretso e tsejwang e le Bili ya matjhaba ya Ditokelo. Hamorao e ile ya ananelwa ke Afrika Borwa ka 1962. Tshireletso e tswelang pele ya ditokelo tsa botho e ile ya sebediswa ka ntshetsopele ya ditokomane tsa lebatowa tse kang European Convention ka selemo sa 1950 molemong wa tshireletso ya ditokelo tsa botho le bolokolohi ba mantlha. Dikahare tsa European Convention di ile tsa anelwa kgetlong la pele Afrika Borwa Biling ya Ditokelo ya Bophuthatswana. Le ha ho le jwalo mohopolo ona o ile wa hanwa ke Muso wa mehleng wa Afrika Borwa o neng o na le taolo e phethahetseng ya mebuso ya mahae?
Ho latela tlhaloso ena e ka hodimo ho hlakile hore tlwaelo ya ditokelo tsa botho e ile ya lokela ho nama ho latela dipallo tsa Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng. Mohlala, athekele ya 56 e totobatsa hore ditho di itlama ka ho sebetsa mmoho le ka ho fapana ho sebedisana le mokgatlo molemong wa ho finyella dipheo tsena tse hlahisitsweng athekeleng ya 55. Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Botho ho la Afrika Borwa e ile ya sitiswa ke tshebetso ya taolo ya bikolone, ke ka hoo qalehong Matjhaba a Kopaneng a ile a hloleha tekong ya ona ya ho qobella Afrika Borwa ho fetola maano ya kgethollo ya morabe ho fihlela Matjhaba a Kopaneng a kenya tshebetsong dikotlo tsa qobello ka selemo sa 1982. Nakong yona eo tlwaelo ya ditokelo tsa botho e ile ya atleha ho fumana tsela ya ho finyella Afrika nakong eo Kopano ya Selekane sa Afrika (OAU) e neng e bopa Tjhata ya Afrika ka 1961.
Le ha tshebetso ena e ile ya dieha nakong ya dilemo tse 20, dipakeng tsa meralo ya pele ya tokomane ena ka 1981 jwalo ka tjhata ya Banjul e ile ya fihlela katleho e kgolo bakeng sa kananelo ya mokgatlo wa ditokelo tsa botho Afrika. Lekgetholli le hlahetseng ho feta la tokomane ena e ile ya ba kananelo ya ditokelo tsa botho e bontshang boitlamo ba katoloso ya mohopolo wa ditokelo tsa botho. Ntlha ena e totobatswa selelekeleng sa ditaba moo ho buuwang ka boitlamo bo nkilweng ke mebuso eo e leng ditho ho fihlella bophelo bo ntlafetseng ba batho ba Afrika. Boitlamo bona bo ile ba ana ka phepetso ho Afrika Borwa hobane e ne e sa ikabela kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Tabataba e ne e le ho tlisa poelano dipakeng tsa ditokelo tsa batho tse etseditsweng monyetla tjhateng ya Afrika le ditokelo tsa botho tse behellwang pele ke ditokomane tsa matjhaba. Ho ile ha bonahala hore Afrika Borwa e lokela hore e sebetse ka mokgwa o tla etsa hore e ananele ditokelo tsa botho pele e sebedisa Tjhata ya Afrika ho la Afrika Borwa?
Phepetso e ile ya ntshetswa pele ke mokgatlo wa Maqwetha a Ditokelo tsa Botho, o ileng wa thehwa ka selemo sa 1979. Sepheo sa sehlooho sa mokgatlo ona e ne e le ho kgothaletsa le ho matlafatsa ditokelo tsa botho tse amanngwang le puso ya molao le tsamaiso ya toka le tshireletso ya tokoloho tsa mantlha ho latla Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Molao. Ka selemo sa 1987, ho ile ha thehwa bolaodi bo sebetsang ka dinako tsohle ka morero wa ho etsa matsholo a tshireletso le qobello ya ditokelo tsa mantlha. Sehlopha sena se ile sa ba le tshusumetso e kgolo Afrika Borwa hoo ho ileng ha hlaka hore phetoho e lokela ho etswa molaong wa motheo, molemong wa tshireletso ya ditokelo tsa botho.
Pelel ho Molao wa Motheo wa nakwana wa 1993, kgatello ya kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa e ile ya tliswa ka ditokomane tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha. Tsona ke tse latelang: Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng, Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho, Tjhata ya Afrika, Tjhata ya African National Congress le matsholo a thuto a neng a tsamaiswa ke mokgatlo wa Maqwetha a Ditokelo tsa Botho. Kgatello ya matjhaba ya karohanngo, e leng phediso ya puso ya kgethello ya apartheid, e ile ya tlisa tshebetso ya ho fetolwa ha molao wa motheo e ileng ya etsa hore ho thehwe palamente e koto di tharo tricameral parliament ka selemo sa 1983. Sena ebile matshwao a pejana a supang ho fela ha nako e thata e neng e le kgahlano le ditokelo tsa botho, ke ka hoo ka 1987 Bophuthatswana e ileng ya leka ho Kenya Bili ya Ditokelo tsa botho e entseng pale Afrika e ka Borwa. Afrika Borwa e ile ya lemoha ka potlako hore kgatello ha e kgone ho bokella seriti le taolo ya yona, ke ka hoo e ileng ya qalella ho tsoma dibopeho tse ntjha tsa molao wa motheo tse tla kgona ho amohela kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ka hoo ka selemo sa 1986 Letona la Toka (Cootze JH), le ile la thonya Khomishene ya Molao ya Afrika Borwa South Africa Law Commission ho fuputsa tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ho sa le jwalo, sehlopha sa maqwetha a neng a lwantsha kgethollo (National Association Democratic Lawyers) se ne se lemohile hore ba entse tlhahiso ya hore ho ntjhafatswe molao wa motheo empa leano la Naha ha le a nkella hloohong ditabatabelo tsa batho mme ba kgothaletsa South African Law Commission ho kenyeletsa tse ding tsa dipallo tsa tjhara ya Tokoloho le Tjhata ya Banjul?
Mohopolo wa kananelo ya ditokelo tsa botho le tshireletso ya tsona o ile wa butswa ka morao hoba Mopresidente De Klerk (Mopresidente wa qetelo wa Nakong ya Apartheid) a fane ka puo e ileng ya tuma haholo. O ile a hlalosa hore mmuso o amohela motheo wa kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa mantlha tse bopang motheo wa molao wa motheo wa demokerasi tse ngata tsa bophirimela. Le rona re dumela hore tsela e sebetsang ho feta ya tshireletso ya ditokelo tsena e itshetlehile phatlalatsong ya ditokelo e netefatswang ke toka e ikemetseng. O ile a tswela pele ho kgothaletsa South African Law Commission ho nehelana ka tlaleho ya yona ya qetelo e mabapi le Bili ya Ditokelo e lohothwang. Ka morao ho dipuisano tse nkileng nako e telele tsa mahlakore ohle a nang le thahasello ho tloha ka 1991, le ha tsena di ile tsa fanyehwa ka selemo sa 1992 ka lebaka la pepeso ya dikgoka ya Kwazulu-Natal, Molao wa Motheo wa Nakwana o ile wa tla ka makgabane a mararo a bohlokwa ka selemo sa 1993, e leng ana a latelang?
Ka hoo ditokelo tsa botho di ile tsa qetella di ananetswe, di sireleditswe mme di phethahaditswe mona Afrika Borwa le ho kenngwa Molaong wa Motheo ho tloha ka selemo sa 1993. Molaong wa Motheo wa hona jwale, karolo ya 7 e etsa monyetla wa hore Bili ya Ditokelo ke tshiya ya demokerasi ho la Afrika Borwa. E fupere ditokelo tsa batho bohle ba naheng ena ya rona mme e tiisa makgabane a demokerasi a seriti sa botho, tekanole tokoloho. Empa ke karolo ya 8 e fanang ka tshireletso kaofela e etsang monyetla wa hore Bili e sebetsa molaong kaofela le hore e tlama lekgotla le etsang molao, lekgotla la phethahatso le molao ho fapana le molao wa motheo wa nakong e fetileng o neng o phatlalatsa boikemelo ba palamente. Molao wa motheo o qeteletse o rarolotse dikgaello tsa kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ho netefatsa tlamo ya molao wa motheo, molao wa motheo o entse le monyetla wa boikemelo ba molao ha mmoho le Lekgotla la Molao wa Motheo le mekgwa ya tshireletso, e tshwanang le makgotla a mang le Dikhomishene?
Qetellong, tlhophollo ya kakaretso e ka hodimo e bontshitse ka mokgwa o hlakileng tshusumetso e matla ya ditokomane tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha mabapi le ho rotetsa tlwaelo ya ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa. Le ha Molao wa Motheo o na le dipha kapa ona mathata a qaleho, o kgonne ho rarolla mathata a dipolao ao batho ba habo rona ba neng ba thulana le ona mmusong wa nakong e fetileng. Ho feta mona monyetla wa ona wa bolokolohi ba ho buwa o ile wa etsa hore batho ba lemohe ho feta ditokelo tsa bona mme ke ka hoo sena se matlafatswang ke lenaneo la hona jwale la thuto ya ditokelo tsa mantlha tsa botho ho etsa bonnete ba hore Bili ya Ditokelo e phethahatswa ho feta.
Ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa di ne di ripitlelwa ka maoto ebile ho na le diketsahalo tse tshosang tse neng di etswa ke mmuso wa kgethollo wa apartheid ha mmoho le diktumellano tsa teng. Re utlwile ka bongata ba dintho tsena nakong ya ha ho ne ho mametswe bopaki Khomisheneng ya Nnete le Poelano (TRC) kapa rona, malapa a rona, metswalle le baahisani re ile ra thulana le diketso tsena tsa ho hatikela ditokelo ka maoto le sehlooho se tshebehang. Palamente e ne e le yona e ka sehloohong, e phahametse tsohle, mme e ne e fetisa melao ya kganyapetso, e neng e fetiswa ke makgotla a rona a dinyewe a neng a hloka boikemelo. Ka lebaka lena, mekgatlo e fapafapaneng e neng e lwantsha kgethollo ya apartheid ho la Afrika Borwa e ile ya rala Tjhata ya tokoloho mme ena ebile tokomane ya pele le ya bohlokwa ya Ditokelo tsa Botho, e ileng ya fumana tshehetso palong ya baahi ba bangata ba Afrika Borwa. Ka lebaka lena, ha Afrika Borwa e ne e phatlalatsa Tataiso tsa Molao wa Motheo tsa Afrika Borwa ya Demokerasi, Tjhata ena e ile ya fetoha karolo ya tsona?
Ka morao hoba mekgatlo yohle ya dipolotiki e bulelwe mme e se hlole e thibelwa le hoba Mopresidente wa mehleng, Nelson Mandela a lokollwe, ho ile ha etswa Molao wa Motheo wa nakwana. Ona ebile selelekela sa Molao wa Motheo wa hona jwale, e leng o meng wa Melao ya Motheo e hatetseng pele ka ho fetisisa lefatsheng. Molao wa rona wa Motheo o ile wa saenelwa ke Mopresidente Mandela ka Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho, e leng la 10 December 1996.
Molao wa rona wa Motheo ke ona molao o ka sehloohong ho e meng kaofela naheng ena mme o kenyeletsa Bili ya Ditokelo, eo e leng tshiya ya demokerasi ho la Afrika Borwa. Bili ya Ditokelo e fupere ditokelo tsa batho bohle ba Afrika Borwa mme e tiisa makgabane a demokerasi a ditokelo tsa botho, tekano le bolokolohi. Ka ho mamiella ditokelo tsena mmuso o tiisetsa baahi ba nahana ena hore ba tla sireletswa mme ba fumane tokoloho ya ho phela ka moo ho kgonehang ka teng.
Ditokelo tsa botho ke ditokelo tseo batho ba bonwang ba na le tsona ho latela botho ba bona le seriti seo ba nang le sona sa tswalo. Achbishopo Desmond Tutu o ile a hlalosa ditokelo tsa botho e le tseo Modimo a fananeng ka tsona, lebaka ke le bonolo la hobane re le batho. Di akaretsa bohle batho bohle ho sa natswe hore ke bo mang, ba ruile kapa ba futsanehile, ba rutehile kapa ba hloka tsebo, ba batle kapa ba babe, ba batsho kapa ba basweu, monna kapa mosadi hobane e le batho. .. Jwalo ka Mokreste ke tla phaella ka hore motho e mong le e mong o na le boleng bo sa feleng hobane batho bohle ba entswe ka setshwantsho sa Modimo. Motho e mong le e mong o na le bomodimo ho yena mme ho tshwarwa motho e mong ka nyediso hona ke ho tlaela, le ho tshwala sefahleho sa Modimo ka mathe?
Mohopolo wa mantlha ke hore batho ba na le kelello ebile ba na le boitshwaro, mme ka hoo ba fapane le dibopuwa tse ding tsa lefatshe. Ka hoo, batho ba na le tokelo tse itseng le bolokolohi, e leng dintho tseo dibopuwa tse ding di se nang tsona. Mohlala, pokola e ke ke ya hana ho jara motho hobane e batla ho tshwaro e hlokang leeme mosebetsing, ha e na hona hore e ka etsa dipeeso tsa boipelaetso. Le ha ho le jwalo, motho a ka kgothaletsa tshireletso ya dibopuwa tse ding, tse kang ho thibela tlhoriso e sehlooho ya diphoofolo.
Ka lebaka lena, ditokelo tsa Botho ha ho fanwe ka tsona, ha di fanwe jwalo ka lefa, ha rekwe kapa hona ho amohelwa e le moputso. Batho ba hlaha ba na le ditokelo tsena mme ka hoo di hlaloswa e le karolo ya botho, di akaretsa, di sa arolwe ebile e le ditokelo tse ke keng tsa tloswa ho motho.
Melao kapa melawana e bopilweng ho laola boitshwaro ba mokgatlo ofe kapa ofe, naha sehlopha sa batho, sekolo kapa kereke. Molao wa motheo o fana ka tataiso dithong tsa mokgatlo mabapi le sebopeho, boitshwaro le boikarabelo. O na le dikgaolo le ditemana kapa dikarolo jwalo ka mohlala, Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o na le dikgaolo tse leshome le metso e mene, dikarolo tse makgolo amabedi le mashome a mane a metso e meraro, meralo (schedules) e supileng le dikgokelo tse nne. Karolong e nngwe le e nngwe o totobatsa dipallo tsa Molao ka sebopeho sa dikarolwana. Karolo e bebofaditsweng ya ka moo melawana e etsang ka teng le dikgaolo tse fapafapaneng tsa Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa.
Ho etsa hore o tsote bohlokwa ba Molao wa Motheo o teng hona jwale ho fanwa ka nalane e kgutshwanyane ya boitshetleho ba Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, ho tjhorisa ka moo Motho o mong le o mong wa Motheo o ikgethang ka teng. Mohlala.
Molao wa Molao wa Motheo wa Yunione ya Afrika Borwa o tsejwa e le Molao wa Motheo wa pele o supang boikemelo ba ho se itshetlehe molaong wa Brithane mme le baahi kaofela ba ile ba ananelwa. Provense e nngwe le e nngwe e ne e na le palamente ya yona, mohlala, Cape of Good Hope, Ortange Free State, Natal le Transvaal.
Molao wa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa o supa kopano ya diprovense tse nne ho bopa Rephaboliki empa ho ne ho na le matshwao a tlhokeho ya boemedi ba merabe e meng palamenteng.
Molao wa 200 wa Molao wa Motheo wa Nakwana o neng o etsa monyetla wa Bili ya Ditokelo ya pele ho la Afrika Borwa ka tsela e jwalo o neng o amohela le ho tshireletsa baahi bohle ba Afrika Borwa.
Molao wa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa. Mona ho ile ha ntshetswa pele Molao wa Motheo wa Nakwana o ka hodimo o ileng wa tlisa diphetoho tse teng hona jwale nalaneng ya Afrika Borwa kapa kananelong le tshireletsong ya ditokelo tsa batho ho latela makgabane a tekano, seriti le bokolokohi tse tswang Biling ya Ditokelo tse fuperweng ke Kgaolo ya 2 ya Molao o teng hona jwale wa Molao wa Motheo.
Ke mmuso wa batho ka batho molemong wa batho.
Lentswe lena la demokerasi le tswa puong ya Sekgirike mme lentswe demos le bolela batho ha kraits e bolela puso.
Ka hoo ke mmuso o tswang taolong ya batho. Afrika Borwa makgabane a mararo a demokerasi ke: tekano, seriti sa botho le tokoloho ke ona mokokotlo wa demokerasi ke ka hoo Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o nkwang o ikgetha haholo lefatsheng ka bophara. Metheo ya demokerasi, eo mehoo ya yona e ileng ya utlwahala Molaong wa Motheo wa Nakwana ke yona e nang le boikarabelo diphapanong tse dipakeng tsa molao wa motheo wa pejanma le o teng hona jwale.
Metheo ya demokerasi kapa makgabane ke mehopolo eo batho ba bangata ba nkang e le ya bohlokwa bakeng sa demokerasi. E boetse e bitswa masupatsela a demokerasi hobane ha re a bona, ke matshwao a bontshang hore naha e motjheng wa tsela ya demokerasi. Metheo ena kapa masupatsela ana ka dinako tse ding e fetoha karolo ya Molao wa Motheo kapa ya Bili ya Ditokelo naheng ya demokerasi. Demokerasi tse ngata di tshehetsa metheo ya mantlha e tshwanang le yona eo?
Ke masupatsela afe ao re lokelang ho a bona ka Afrika Borwa e motjheng wa tsela ya demokerasi?
Baahi kaofela ba na le bokgoni ebile ba na le tokelo le boikarabelo ba ho kenya letsoho mmusong le setjhabeng sa baahi. Lena ke le leng la masupatsela a bohlokwa haholo a demokerasi. Ho kenya letsoho ha baahi ho kenyeletsa taba ya ho kenela dikgetho, ho vouta dikgethong, ho fumana tsebo, ho pheha kgang ka dintlha, ho leba dipitsong tsa setjhaba kapa tsa baahi, ho kena mekgatlong eo e seng ya mmuso kapa mekgatlong e meng ya batho bao o ahisaneng le bona, ho lefa makgetho, ho ipelaetsa, ho botsha ho se kgotsofale ka mangolo a boipelaetso, jwalo jwalo. Ho kenya letsoho ho bolela hore batho ba ameha ditabeng tsa batho ba habo bona le ho tsamaisa ditjhaba tsa bona.
Ho etsa hore mmuso o etse diqeto tse bontshang kutlwisiso e ntle.
Demokerasi e bolela hore batho bohle ba a lekana. Tekano e bolela hore batho bohle ba tshwarwe ka tsela e lekanang le hore ba fuwa menyetla e lekanang. Ho ke ke ha ba le kgethollo ya batho ka lebaka la morabe wa bona, tumelo, bong, tshekamelo ya bong jwalo jwalo. Demokerasing batho ba na le tokelo ya ho boloka le ho sebedisa botjhaba ba bona, dipuo le ditumelo tsa bona.
Ditjhaba tsa demokerasi di sebedisa mamellano dipolotiking. Hona ho bolela hore ha batho ba bangata ba busa demokerasing, ditokelo tsa batho ba palo e nyenyane le tsona di a sireletswa. Motho e mong le e mong o lokela ho dumellwa ho ba le maikutlo le ho hlahisa maikutlo le ho hlophisa mokga wa hae wa dipolotiki kapa dihlopha. Setjhaba sa Afrika Borwa se na le batho ba tswang botjhabeng bo fapafapaneng, morabe, tumelo le dihlopheng tsa batho ba morabe ba nang le tjhadimo tse fapaneng. Setjhaba sa demokerasi se dumella diphapano tsena hore di hlahiswe. Batho ba lokela ho hlompha tokelo ya batho ba bang ya ho ba le maikutlo ao e leng a bona. Ho pheha kgang le ho tshohla dintlha ke karolo ya bohlokwa ya demokerasi.
Pusong ya demokerasi, bahlanka ba kgethilweng ke batho ba lokela ho ikarabella ho batho. Hona ho bolela hore ba lokela ho jara boikarabelo ba diketso tsa bona. Bahlanka ba lokela ho etsa diqeto le ho phetha mesebetsi ya bona ho latela thato le tabatabelo tsa batho, e seng tsa bona.
Mmuso le bahlanka ba ona ba lokela ho etsa mesebetsi ya bona phatlatsa ka mokgwa o bonaletsang. Mmuso o bonaletsang o tshwara dikopano tsa setjhaba mme o dumella baahi ho ba teng. Ba dumella boraditaba le batho ho fumana lesedi ka diqeto ha bonolo ntle le ho pata hore ke mang ya entseng qeto le hore ke hobaneng.
Le leng la masupatsela a bohlokwa haholo a demokerasi ke dikgetho tse tshwarwang kgafetsa, tse lokolohileng le tse hlokang leeme. Ke mona moo baahi ba kgonang ho kgetha batho bao ba batlang ho ba kgetha hore ba buse. Dikgetho di lokela hore di etsahale ka tsela e lokolohileng le e hlokang leeme, ntle le ditshoso, bobodu le ditshoso ho baahi nakong ya dikgetho kapa pele ho dikgetho.
Dinaha tse ngata tsa puso ya demokerasi di na le Bili ya Ditokelo ho sireletsa batho tshebedisong e fosahetseng ya matla. Bili ya Ditokelo ke lenane la ditokelo le bolokolohi tse tiisetswang batho bohle ba naha eo. Ha Bili ya ditokelo e fetoha karolo ya Molao wa Motheo wa naha, makgotla a dinyewe a fumana matla a ho qobella ditokelo tsena. Bili ya Ditokelo e ngotla matla a mmuso mme e ka nna ya tlamella boikarabelo bathong le mekgatlong.
Demokerasing ho tlamehile hore ho be le mekgwa ya ho thibela mohlanka ya kgethilweng kapa sehlopha sa batho ho sebedisa ka tsela e fosahetseng kapa ho sebedisa tjhelete ya mmuso kapa matla ka mokgwa o sa lokelang. Mokgwa o mong wa e tlwaelehileng wa tshebediso e fosahetseng ya matla ke bobodu. Bobodu bo etsahala ha bahlanka ba mmuso ba sebedisetsa matlole a setjhaba melemo eo e leng ya bona kapa ba sebedisa matla a bona ka tsela eo e seng ya molao.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho sireletsa batho tlhekefetsong. Mmuso ho la Afrika Borwa o arotswe makala a mararo: lekgotla le etsang melao, lekgotla la phethahatso le lekala la molao (makgotla a dinyewe). Sebopeho sena se ngotla matla a bahlanka ba mmuso makaleng ana a mararo. Makgotla a dinyewe a ikemetse.
Moo o nang le puso ya demokerasi ho tshwanetse hore ho be le mekga ya dipolotiki e fetang bonngwe e kenelang dikgetho mme e lokela ho ba le seabo mmusong. Mokgwa wa mekga e mengata o etsa monyetla wa hore mokga kapa mekga e sa tswellang dikgethong e kgone ho fetoha bohanyetsi ba mokga o hapileng dikgetho. Ntho ena e thusa mmuso ho bona mahlakore a fapaneng a ditaba. Mekga e mengata e boetse e fa bakgethi monyetla wa ho kgetha bonkgetheng, mekga le maano dikgethong. Ka tlwaelo ha naha e na le mokga o le mong feela, sena se atisa ho lebisa bompoding.
Ha ho mang kapa mang ya ka hodimo ho molao pusong ya demokerasi, ekasitana le ha e le morena kapa Mopresidente ya kgethilweng. Sena se bitswa puso ya molao. Sena se bolela hore bohle ba lokela ho ikobela molao mme ba hara boikarabelo haeba ba roba tlotse molao. Demokerasi e bolela hore molao o lokela ho phethiswa ka tekano, ntle le leeme le ka tsela e tshwanang.
Le hoja ditokelo tsohle tse leng Biling e le tsa bohlokwa, ho entswe mekutu ya ho toboketsa ditokelong tse amang bophelo ba batho ho feta kapa ya ho phahamisa makgabane a mararo a demokerasi a Molao wa Motheo eleng; tekano, tokoloho le seriti sa botho.
Le ditokelo tsa botjhaba.
Jwalo ka ha ho ile ha hlaloswa pejana, tekano ke mohopolo wa boitshwaro hore batho ba dulang moo ho tshwanang ka ditsela tse tshwanetseng ba fumane tshwaro e lekanang.
Batho bohle ba a lekana ka pele ho molao mme ba na le tokelo e lekanang ya tshireletso le molemo wa molao.
Tekano e kenyeletsa monate o phethahetseng le o lekanang wa ditokelo tsohle le bolokolohi. Ho ntshetsa pele taba ya ho fihlella tekano, ho ka nna ha nkuwa mehato ya molao kapa mehato e meng e etseditsweng ho sireletsa le ho ntsheta pele batho kapa dihlopha tsa batho, tse ileng tsa behwa ka mosing ka lebaka la kgethollo e nang le leeme.
Mmuso o ke ke wa kgetholla ka tshebediso ya leeme le ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang motho ofe kapa ofe ka lebaka kapa ka mabaka a kenyeletsang botjhaba, bong, hore motho ke mosadi kapa ke monna, boimana, boemo ba lenyalo, setso sa bomorabe kapa sa phedisano, mmala, tshekamelo tsa bong, dilemo, kgolofalo, letswalo, tumelo, setho, puo le tswalo.
Ha ho motho ya ka kgethollang ka leeme ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang motho ofe kapa ofe ka lebaka kapa ka mabaka a amanang le karolwana ya . Molao wa naha o lokela hore o etswe ho kgaotsa kapa ho thibela kgethello e nang le leeme.
Kgethollo ka lebaka kapa ka mabaka a hlahisitsweng karolwaneng ya e na le leeme ntle le ha ho tsepamisitswe hore ke kgethollo e hlokang leeme?
Ho latela motheo ona wa pallo kapa Bili ya Ditokelo ka kakaretso pheko e tliswa tshwarong e hlokang tekano dipakeng tsa batho ba Afrika Borwa nakong ya mehla ya kgethollo ya apartheid. Batho ba ne ba hanelwa ditokelo tsa botho haholo batho ba batsho. Mohlala, batho ba ne ba kgethollwa mosebetsing, lapeng le setjhabeng ka lebaka la botjhaba ba bona, bong, kgolofalo le dibaka tseo ba dulang ho tsona. Le ha karolo ya 9 e ka hodimo e entse monyetla wa hore ho se ke ha e ba le kgethollo, karolo e kgolo ya setjhaba se fapafapaneng e sa ntsane e hloka tekano, mohlala mona ke basadi, batho ba qhwadileng, batho ba nang le HIV le AIDS mme ho na le phapano dipakeng tsa boemo ba bophelo ba batho ba phelang dibakeng tsa mahae le dibakeng tsa metse ya ditropo. Ho fanwe ka mehlala e seng mekaenyana mona ho bontsha tlhokeho ya tekano le ka moo Lekgotla la Molao wa Motheo le ileng la sebetsana le dinyewe tsa mofuta o jwalo?
Kgaolo ya Matjhaba a Kopaneng e ile ya amohela ditokelo tsa phedisano le moruo ha mmoho le ditokelo tsa botjhaba e le ditokelo tsa moloko wa bobedi ka 1945.
Tshireletso ya setjhaba.
Ditokelo tsa batshwaruwa tsa ho fumana bodulo bo lekaneng, phepo, thepa e balwang le kalafo ya tsa bongaka.
Qetellong, ditokelo tsa botho di amana haholo hobane ho ile ha hlaka hore motho a ke ke a ba le tokelo ya ho vouta empa a hloka moo a dulang teng. Ke ka hoo ha ho ne ho mametswe maikutlo ho Speak Out on Poverty ka selemo sa 1999, batho ba ileng ba fana ka maikutlo a bona mabapi le bofutsana. Sena se ile sa fana ka phepetso mmusong hore o ntshetse pele ditokelo tsa phedisano le moruo. Ka ka lebaka lena, ditokelo tsa phedisano le moruo di amanang le ho thusa batho ka ditlhoko tsa mantlha tsa boiphediso, mme ka hoo boikemisetso ba pele ba lenaneo lena selemong sa 1998 ebileng ho tlisa phapano dipakeng tsa tlhoko le seo motho a se labalabelang?
Sepheo ka sehlooho sena e ne e le ho matlafatsa batho hore ba kgone ho eteletsa pele dilthoko tsa bona ha ho hlokeha hore ba etse jwalo nakong ya ha ho fanwa ka tshebeletso tsa phedisano le moruo. Ka ho kenyeletsa ditokelo tsena Molaong wa Motheo, mmuso o bontshitse boitlamo ba ho fedisa bofuma le tlhokeho ya tekano maemong a phedisano a Afrika Borwa. Ho boetse ho bontshitswe boitlamo bo bong bo fetang mona ka ho tjhaella monwana Seboka sa Ditokelo tsa Moruo, Phedisano le Botjhaba se neng se tshwerwe ka selemo sa 1998.
Motho e mong le e mong a be le tokelo ya ho sebedisa puo le ho kenela bophelo ba botjhaba ba kgetho ya hae empa ha ho motho ya ka phethahatsang ditokelo tsena ka mokgwa o sa kgemeng le dipallo dife kapa dife tsa Bili ya Ditokelo?
Batho bao e leng ditho tsa mokgatlo wa botjhaba, wa bodumedi kapa wa puo e itseng ba se ke ba hanelwa tokelo , ha mmoho le ditho tse ding tsa setjhaba ya ho utlwa monate wa botjhaba ba bona, ho sebedisa tumelo ya bona le ho sebedisa puo ya bona, le ho bopa, ho kenela le ho hlokomela mekgatlo ya botjhaba, bodumedi le ya puo le makala a mang a baahi. Ditokelo karolwaneng ya ha di a lokela hore di phethiswe ka mokgwa o sa kgemeng le dipallo dife kapa dife tsa Bili ya Ditokelo?
Dikarolo tsena ka bobedi di hlakile empa di lokela ho tsamaelana le dipallo tsa Bili ya Ditokelo ka mantswe a mang di ke ke tsa sebediswa ka ho phethahala empa di na le moo di sehetsweng moedi teng. Ntlheng ya bobedi di radilwe ho sireletsa batho bao e leng ditho tsa botjhaba kapa ba sehlopha sa puo kapa sa batho.
Mmuso le batho ba ona o lokela ho hlokomela hore o se ke wa kgathatsana kapa hona ho tlola tokelo ya phethahatso ya botjhaba ya ditjhaba tsena. Ntle le taba ya kananelo ya botjhaba ho latela athekele ya 27 ya Phatlalatso ya Kakaretso ya Ditokelo tsa Botho selemong sa 1948, Selekane sa Matjhaba sa ditokelo tsa Moruo, Phedisano le tsa Botjhaba sa 1996. Bobedi disebediswa tsena tsa matjhaba di ile tsa tjhaellwa monwana ke Afrika Borwa, mme di kgona ho ka sebediswa le ho qobellwa. Afrika Borwa ka phapano e kgolo ya botjhaba ba yona e lokela ho bona hore botjhaba bona bo hlokomelwa ka molao ke ka hoo ho nang le dikarolo tsena tse ka hodimo. Ditlwaelo ta phethahatso ya botjhaba ha di a lokela ho hohlana le tokelo dife kapa dife tse fumanehang Biling ya Ditokelo, mme moo ho nang le kgohlano e jwalo ditlwaelo tsena tsa botjhaba di lokela ho etswa hore di nyalane le ho kgema le Bili ya Ditokelo. Mohlala, botjhaba ba nakong e fetileng bo amanang le mafa ho latela molao wa setso bo lokela ho lokiswa ho latela kananelo ya Molao wa 120 wa 1988 wa Kananelo ya Manyalo a Setso o teng hona jwale. Mohlala, molao wa setso wa Ma-Afrika o mabapi le mafa o ne o etsa hore e be bana ba batona feela ba fumanang mafa a motho ya hlokahetseng mme kabo ena ya mafa ke moo ngwana e moholo e leng yena ya fuwang lefa. Mohlolohadi le bana ba ne ba lokela hore ba hlokomelwe ke ngwana e motona ya hapileng thepa kapa ba ne ba siuwa ba hloka tlhokomelo. Mona tlwaelo ya botjhaba e ne e hohlana ka mokgwa o hlakileng le ditokelo tsa mantlha tsa botho ke ka hoo ho nang le molao wa setho o teng hona jwale o tshehetsang tshireletso e lekanang ho latela molao.
Batho ba lokela hore ba hlomphe ditlwaelo tsa batho ba habo bona le setho sa bona, ho qoba kgohlano.
Mmuso o lokela ho dumella batho ho ntshetsa pele setho sa botjhaba ba bona ntle le moo ditlwaelo tsena tsa setho di sa kgemeng le Molao wa Motheo.
Ke ntlha ya bohlokwa haholo hore tshebetsong ena ya ho kenya letsoho mona hore batho ba hlomphe ditokelo tsa ba bang. Sena se bolela ho hlompha ditokelo tsa bona tsa ho ba le maikutlo, ho tswa letsholo la boiketo ba mekga eo e leng ya bona ya dipolotiki, ho fumana tshehetso ditabeng tsa bona (le ha sena se hohlana le ntlha eo e leng ya hao), hore batho ba voutele motho wa kgetho ya bona jwalo jwalo.
Sepheo sa lenaneo lena ke ho hlakisa boikarabelo kapa mesebetsi e tsamaelanang le tokelo e nngwe le e nngwe e fuperweng ke Molao wa Motheo. Ka hoo e leng taba ya bohlokwa hore moahi e mong le e mong wa Afrika Borwa a amohele boikarabelo ka matla ba ho netefatsa hore moahi e mong le e mong o utlwa monate wa makgabane a mararo ana a demokerasi a kang tolokoho, tekano le ho ba le seriti.
Ho nehelanwe ka tataiso ya mmuso le baahi ba ona hobane ditokelo tsa mmuso le baahi di sebetsa ka mokgwa o lekanang ka hohle.
Boikarabelo ba ka : ho hlompha batho ba bang le ha ba fapane le rona le ho amohela hore ba lekana le rona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa molao o sebetsang ka ho tshwana ho batho bohle ho sa natswe botjhaba, mmala, bong e tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba ka: ho se buwe ka tsela e kgethollang le batho ba bang hobane o nahana hore ba boemong bo tlase ho ba hao ka lebaka la botjhaba ba bona, lebala, bong le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa melao e sa kgetholleng batho ho latela botjhaba, lebala, bong, ditshekamelo tsa bong, le tse ding jwalo jwalo.
Boikarabelo ba ka: ho se utlwise motho e mong bohloko ka ho mo etsetsa ditshoso tsa bophelo ba hae.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fetisa melao e tshireletsang bophelo ba batho.
Boikarabelo ba ka: ho se hlekefetse molekane wa ka kapa bana lapeng la ka.
Boikarabelo ba ka: ho se dumelle bana ba ka ho sebetsa ba sa le banyenyane.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fetisa molao o tsepamisang moedi wa moputso le wa dilemo tsa batho ba sebetsang.
Boikarabelo ba ka : ho kokota monyako wa motho e mong pele o kena.
Boikarabelo ba Mmuso: ho boloka lesedi la batho le amanang le bona e le sephiri, mohlala, mosadi ya batlang ho ntsha mpa o lokela ho tseba hore lesedi lena le tla bolokwa e le sephiri.
Boikarabelo ba ka: ho se itshunyatshunye kapa ho thibela motho ho rapela ka moo a kgahlwang ka teng, ho mamela batho ba bang le ho amohela tokelo ya bona ya ho hlahisa maikutlo a fapaneng le ao nna ke nang le ona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella batho ho fumana matsatsi a phomolo a tsamaelanang le bodumedi ba bona.
Boikarabelo ba ka : ho sejale lehloyo dipakeng tsa batho ba botjhaba bo fapaneng, bodumelo kapa mekga ya dipolotiki le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho se thibele phatlalatso ya ditaba haeba mmuso o sa ratte ha boraditaba ba o tshwaya diphoso.
Bolokolohi ba ho kopana, ho etsa dipepeso, mekoloko ya boipelaetso le ho ngola mangolo a ditletlebo.
Boikarabelo ba ka: ho se tsamaye ka sethunya kapa sebetsa se kotsi mokolokong wa boipelaetso kapa pepesong ya boipelaetso.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa hore batho ba bolekehe le ho sireletseha ba batlang ho etsa pepeso ya boipelaetso, mohlala ka ho laola sephethephethe, ka ho nka dithunya le dibetsa.
Boikarabelo ba ka: ho se hanele batho ho kena mokgatlong wa ka ka mabaka a kgethollo, mohlala, ho hanela batho ba Matjhaena ho kenela mokgatlo wa ka.
Boikarabelo ba Mmuso: ho se itshunyatshunye maanong a mekga ya dipolotiki, a mekgatlo ya basebetsi, jwalo jwalo.
Boikarabelo ba ka: ho se tshose batho ba kenetseng mokgatlo wa dipolotiki o fapaneng le wa hao.
Boikarabelo ba ka: ho se tseke le ho tshosa batho ho voutela mokga wa ka wa dipolotiki.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka tshireletso e phethahetseng ya batho diteisheneng tsa dibaka tsa dikgetho. Ho fana ka ditlhapiso tse lekanang tsa matsholo a boiketo ba dikgetho mekgeng kaofela ya dipolotiki, ho fana ka thuso ya dipalangwang ho batho ba tswang dibakeng tse kantle ho diteishene tsa dikgetho.
Boikarabelo ba ka: ho dumella batho ho beha matshwao a papatso le diphoustara toropong kapa sebakeng se itseng ntle le ho tlosa dipapatso tsena.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella motho e mong le e mong monyetla wa mokga wa hae wa dipolotiki, le ho dumella mekga kaofela ya dipolotiki nako e lekanang ya ho hlahella thelevisheneng.
Boikarabelo ba ka: ho amohela motho e mong le e mong ya tlang a tlo dula haufi le nna.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka mangolo a boeti le tokomane tsa boitsebiso ho baahi bohle ba etsang kopo.
Boikarabelo ba ka: ho amohela boikgethelo ba batho ba ka moo ba batlang ho fumana mekgwa ya boiphediso ka teng.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella barekisi le barekisi ba ditselaneng ho hweba empa ho etsa melao e laolang dibaka tsa moo ba ka rekisang teng.
Boikarabelo ba ka: ho fana ka tshwaro e hlokang leeme bathong ba ntshebeletsang, ho ba fa monyetla o hlokang leeme wa boikarabelo, ho ba fa temoso pele ba nyaolwa mosebetsing, le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba ka: ho dumella batho ba bang ba moo ke sebetsang teng ho kenela mokgatlo ofe kapa ofe wa basebetsi ao ba ratang ho kena ho ona ntle le ditshoso.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella mekgatlo ya basebetsi kaofela ho ingodisa.
Boikarabelo ba ka: haeba ke le seteraekeng ho dumella batho ba bang ba moo ke sebetsang teng ho tswela pele ho sebetsa ha ba kgethile jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho sireletsa basebetsi ba kenetseng seteraeke ekasitana le ha mapolesa a ka lokela ho etsa mosebetsi o jwalo.
Boikarabelo ba ka: hore o se ipeha tulong ya motho e mong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho ananela ditokelo tsa batho tsa ho buseletswa naha ya bona haeba ba ile ba suthiswa ho yona ka sheshe, ho fana ka ditlhapiso bathong bana haeba ba ne ba ile ba nkelwa naha.
Boikarabelo ba ka: haeba ke etsa kopo ya kadimo ya tjhelete ya ntle ke lokela ho lefa molato ona kgwedi le kgwedi.
Ho sebetsa le kgwebo tsa praevete tse jwalo ka dibanka, ho etsa hore batho ba bangata ba kgone ho fumana matlo, ho batalatsa ditshitiso tse etsang hore batho ba sitwe ho fumana tjhelete ya kadimo ya ho reka kapa ho haha matlo.
Boikarabelo ba ka: ho romela bana ba ka kaofela sekolong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho haha dikolo tse lekaneng le ho fana ka matitjhere a lekaneng hore bohle ba kgone ho kena sekolo.
Boikarabelo ba ka: ho fepa bana ba ka, le ho se ba hlekefetse sephiring sa lelapa la ka kapa pepeneneng. Ho etsetsa bana ba ka seitshireletso se molemo ho feta seo nka kgonang ho sireletsa bana ba ka ka sona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka merero ya phepo le ho theha mahae a bana ba itlhophereng, le ho fuputsa diketsahalo tsa tlhekefetso ya bana.
Boikarabelo ba Mmuso: ho nehelana ka dintho tse thotang matlakala le ho hleka matlakala a bakang mahloko, ho nehelana ka metsi a hlwekileng ho baahi bohle, ho se leleke bakudi dipetlele ha ba hloka phekolo.
Boikarabelo ba ka: ho hlompha botjhaba ba batho ba bang le ho se itshunyatshuye tseleng eo batho ba bang ba etsang dintho tsa bona ka teng.
Boikarabelo ba ka: ho botsa bahlanka ba mmuso haeba ba etsa qeto tseo o sa di utlwisiseng.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka mabaka a diqeto tse etswwang, ho bebofaletsa batho ho fumana lesedi ho bahlanka ba mmuso.
Mosireletsi wa Setjhaba.
Boikarabelo ba Mmuso: ho nka mehato e lwantshang bobodu ba bahlanka ba mmuso le ho se sireletse bahlanka ba ileng ba sebedisa matla a bona ka tsela e fosahetseng.
Boikarabelo ba ka: ho sebedisa makgotla a dinyewe ho rarolla qabang, e seng ho inkela malao matsohong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana maqwetha ntle le tefello ho thusa batho ho itshireletsa makgotleng a dinyewe.
Boikarabelo ba ka: ho amohela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya qoso e hlokang leeme, ho fumana leqwetha le lefellwang ke mmuso, ho lokollwa hore o emele ditaba o le kantle, le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho bolella batho hore ba na le tokelo ya ho fumana leqwetha ka tshenyehelo tsa mmuso, ho qoso motho e mong le e mong ka tsela e hlokang leeme, le tse ding tse jwalo.
Ho seha moedi ho tshwana le ho tlola molao. Molao o sehelang tokelo moedi o tlola molao wa tokelo eo. Le ha ho le jwalo, ho tlola molao ho ke ke ha hohlahlana le molao wa motheo ha o na le lebaka le amohelehang la molao la ho tlola molao wa tokelo setjhabeng se bulehileng le sa puso ya demokerasi ho latela makgabane a mararo (seriti sa botho, tekano le bolokolohi). Ka mantswe a mang, ha se ditlolo kaofela tsa ditokelo tsa mantlha tse sa kgemeng le molao wa motheo. Moo tlolo e ka kgonang ho tshehetswa ho latela ditlhoko tsa karolo ya 36 tlolo e jwalo e tla fumana matla a molao wa motheo.
a sebopeho sa tokelo eo b bohlokwa ba sepheo sa moedi o sehwang c sebopeho le bonamo ba tshehelo ya moedi d kamano dipakeng tsa tshehelo ya moedi le sepheo sa teng; mme e ho nyehlisa moedi ho bolela ho fihlella sepheo.
Ntle le moo ho entsweng monyetla o jwalo karolwaneng ya 1 kapa moo ho entsweng monyetla ofe kapa ofe o mong wa Molao wa Motheo, ha ho na molao o ka sehelang moedi tokelo efe kapa efe e hlahang Biling ya Ditokelo.
Pele ho puisano ya temana ya moedi o akaretsang (karolong ya 36) ke taba ya bohlokwa ho hlahisa hore meedi e tshwanang le eo e sebopehong sa meedi le ditemana tsa tshehelo ya moedi tse ikgethang. Mohlala, ditokelo tse ding di na le tlhaloso tse bontshang meedi e sehilweng karolong tse itseng tsa Bili ya Ditokelo.
Karolong ya 15 , ya 16 , ya 17, ya 22, ya 23 le ya , ya 29 , le ya 31 le ya 32.
Leha ho le jwalo moedi ona o lokela hore o kgethollwe ho kgaello kapa temana ya phanyeho ya moao, jwalo ka karolong ya 37 e sebetsang fela nakong ya tshohanyetso e dumellang hore ho fanyehwe ditokelo tse ding tsa kgaoloya 2 tlasa maemo a itseng.
Le ha ditokelo di sa sebediswe ka ho phthahala moedi ho latela karolo ya 36 o beha boikarabelo ho mmuso le setjhabaeng ho hlompha ditokelo tsa botho tsa batho, ka mantswe a mang temana ena ha e imele bohlokwa ba ditokelo tsa batho, ho latela mongodi e ong Ronald Dworkin athekeleng ya hao ya Taking Rights Seriously , o bontsha hore ditokelo tsa botho di ka hodimo kapa di imela sepheo sa kakaretso. Ho sa natswe hore sepheo sa kakaretso ke sa bohlokwa ha kae, se ke ke sa qobellwa ka mokgwa o tla sitisa tokelo tsa botho tsa motho ya itseng. Le ha ho le jwalo, temana ya tshehelo ya moedi e re bolella hore Biling ya Ditokelo ya Afrika Borwa, ha ka tlwaelo ditokelo di tla ba ka hodimo ho sepheo sa kakaretso, ho na le dinakong tse ding moo ditokelo di loeklang ho siya sebaka sa dintlha tsa bohlokwa tsa setjhaba tse lokelang ho nkellwa hloohong?
Tlhaloso e kgutshwanyane ya se bolelwang ke tlhoko tse tsepamisitsweng ke karolo ya 36 bakeng sa ditokelo tse sehang moedi tsa batho.
Mohlala, e tshwanetse hore e be molao oo mmuso o nang le matla a ona, puso ya molao. Ntlheng ya bobedi e lokela hore e be molao o hlwekileng, o fihlelehang le tjhorileng hantle oo ka ona batho ba amehang ba kgonang ho netefatsa bonamo ba ditokelo tsa bona le boitlamo mohlala, Molao wa 51 wa wa Mohato wa Tlolo ya Molao jwalo ka ha o fetotswe.
Boemo bona bo hloka hore moedi o ngotle tokelo ya mantlha feela ka mabaka a amohelehang le a nkellang hloohong makgabane a demokerasi a seriti sa botho, tekano le bolokolohi. Hape e lokela hore e be moedi o kenellang ho fihlela sepheo se rerilweng. Mohlala, ho tshwara mmelaelwa ke ntho e reretsweng ho tiisa hore mmelaelwa o tla hlaha ka pele ho lekgotla. Moo ho nang le bopaki ba hore mmelaelwa o tla finyella kgotla ka letsatsi la hae, sepheo sa ho ngotla tokelo ya motho ya bolokolohi ba hae se tehelwa ka thoko. Ke ka hoo mmelaelwa a fuwang monyetla wa ho ba kantle ho tjhankane nakong ya dihora tse 48 ka morao hoba a tshwarwe.
Ho sehwa ha moedi ha ditokelo tsa molao wa motheo ka sepheo se utlwahalang le se hlokehang setjhabeng sa puso ya demokerasi ho kenyeletsa ho lekanya makgabane a phehisanang, le tlhatlhobo qetellong e thehilweng papisong ya ditaba. Hona ho fuperw dipallong tsa s 33 . Lebaka la hobane ditokelo tse fapaneng di na le meelelo e fapaneng bakeng sa demokerasi, le ntlheng ya Molao wa Motheo wa rona., bakeng sa setjhaba se bulehileng le sa demokerasi ho latela bolokolohi le tekno, hona ho bolela hore ha ho na sekepele se tsepamisitsweng se ka hlongwang bakeng sa ho tsepamisa kutlwahalo le tlhokeho. Ho ka nna ha thehwa metheo, empa tshebediso ya metho eo maemong a ikgethang e ka etswa feela ka motheo wa nyewe e nngwe le e nngwe. Ena ke tlhoko ya papiso, e batlang hore ho bapiswe tabatabelo tse fapaneng. Tshebetsong ena ya tekanyo, maikutlo a lokelang a tla kenyeletsa sebopeho sa tokelo e sehetsweng moedi, le bohlokwa ba yona setjhabeng se bulehileng sa demokerasi ho latela bolokolohi le tekano, sepheo seo ka sona tokelo ena e sehetsweng moedi ka sona le bohlokwa ba sepheo setjhabeng se jwalo, bonamo ba moedi, matla a ona, le hore ke hokae moo moedi ona o hlokehang teng, hore na se labalabelwang se ka kgona ho fihlellwa ka mokgwa o utlwahalang ka mekgwa e meng e seng matla haholo tshenyong ya tokelo tseo ho buuwang ka tsona. Tshebetsong ena ho nkellwe hloohong pallo ya s 33 , le makgabane a amehang a Molao wa Motheo, ho ntse ho hopotswe hore, jwalo ka ha Moahlodi wa Canada a ile a bolela, seabo sa Lekgotla ha se ho phopholetsa hape bohlale ba kgetho tsa leano bo entsweng ke ba etsang melao?
Ena ke e meng ya mehlala a maemo a moo ditokelo di hohlanang mme tokelo e ngwe (kapa tsona di le pedi) di tla lokela hore di sehelwe moedi. Haeba mahlakore a mabedi a hohlanang a sa kgone ho rarolla bothata ba bona ke moo ba ka bo romelang makgotleng a dinyewe. Lekgotla la dinyewe le tla lokela ho etsa qeto ya hore ke toeklo ya mang eo e leng ya bohlokwa ho feta boemong bo bong le bo bong ba ditaba le hore naa ho a utlwahala le mabaka a teng a ho ngotla tokelo eo.
Ho sehela tokelo ya motho moedi wa ho phela le tokelo ya seriti.
Ho sehela tokelo ya ngwana moedi wa thuto ya mantlha papisong le tokelo ya thuto le botjhaba.
Tokelo ya ngwana ya ho sireletswa hore a seke a tshwarwa hampe le ho hlekefetswa papisong le tokelo ya motswadi ya ho kgalema bana ba hae lapeng la hae ntle le boitshunyatshunyo ba motho ofe kapa ofe.
Tokelo ya mosadi ya ho tshwarwa ka mokgwa o lekanang le wa motho ofe kapa ofe le seriti sa hae, le tokelo ya bolokolohi le tshireletso ya motho (hore a seke a sebedisetswa dikgoka ka tsela efe kapa efe).
Tokelo ya motho ya ho kgetha ka moo a lokelang ho iphedisa ka teng papisong le tokelo ya setjhaba ya ho ba le tikoloho e sireleditsweng e le hore batho kaofela ba kgone ho phela moo ka dinako tsohle.
Tokelo ya ngwana ya ho se kgethollwe ka lebaka la tumelo le tokelo ya hae ya thuto papisong le tokelo ya botjhaba ba hae.
Moipelaetsi ya tshwereng sethunya ebile a ikgurumeditse sefahlehong ka mask?
Tokelo ya ho tshwara pontsho ya boipelaetso papisong le tokelo ya setjhaba ya ho phela tikolohong e bolokehileng.
Tokelo ya basadi ya ho laola mmele ya bona le ho etsa qeto ka ditaba tsa bona tsa thari papisong le tokelo ya bophelo ba ngwana ya esong ho belehwe.
Motho o lokela ho tseba hore tokelo ya ho hao ya ho betsa setebele e fella moo nko ya motho e mong e qalang teng. Ka hoo motho o lokela ho leka le ho bona haeba ho na le ditsela tse ding ntle le ho ngotla tokelo ya motho, tsa ho fihlela sepheo se tshwanang le sona seo?
Mmuso o lokela ho ntshetsa pele molao o sireletsang batho tlolong kapa ho ngotlweng ha ditokelo tsa bona le tlhaloso e nepahetseng ya karolo ya 36 ya Makgotla a dinyewe a Dikhomishene. Mohlala, karolo ya 39 e re: Ha lekgotla le hlalosa Bili ya Ditokelo, le lokela ho ntshetsa pele makgabane a tsheheditseng setjhaba se bulehileng le sa demokerasi ho latela motheo wa seriti sa botho, tekano le bolokolohi, boemo bona bo dula bo ntse bo le jwalo le ka karolo ya 36?
Histori ya Afrika Borwa e botsha hore ho ne ho na le karolo tsa setjhaba tse neng di behilwe ka mosing ke puso ya nakong e fetileng. Mohlala Batho ba Batsho ba ne ba kgellwa tlase ho feta baahi ba bang kaofela ba Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, ho ne ho na le dihlopha tse ding tsa Afrika Borwa kaofela tse neng di neng di dula di le tlase ka palo. Dihlopha tse jwalo di tlokotsing ya ho fuwa tshwaro e nyedisehang ekasitana le nakong ena ya demokerasi. Ho a tsebahala hore batho ba batsho ke bona ba bangata ka palo.
Dihlopha tse ka hodimo di kenyeleditswe le ho etsetswa monyetla ka tsela e ikgethang ke karolo e ka hodimo ya Molao wa Motheo, le melao e fapafapaneng e ile ya etswa ho sireletsa dihlopha tsena tsa batho jwalo ka ha ho hlahisitswe Molaong wa Motheo wa hona jwale o hlokang hore ho etswe Molao o Tlwaelehileng o tla netefatsa hore tokelo e a tlama. Le ha molao o jwalo o le teng, boikamahanyo le molao o jwalo ho hang ha bo jese ditheohelang le letho feela, le ha ho na le dikotlo tse teng bakeng sa ho se kgeme le molao o jwalo. Tjhadimo ena e theotse tshepo eo setjhaba se neng se na le yona mokgweng wa tsamaiso ya Makgotla a molao ke ka hoo bongata ba batho bo seng bo inkela molao matsohong.
Karolo ya 28 ya Molao wa Motheo e ntse ditlhophiso tsa hore.
Ho etswe maiteko a ho qobella le ho sireletsa ditokelo tsena ka Molao wa Motheo, Selekane sa Ditokelo tsa Bana sa 1990 seo Afrika Borwa e se saenetseng ka Pudungwana selemong sa 1993 mme sa lokiswa ka Phupjane 1995, le melao e fapaneng e amanang le tokelo tsa bana. Ho feta mona ho entswe merero le mananeo ho bontsha ka moo taba ya tlhekefetso ya bana e leng ya bohlokwa ka teng, empa boemo bo ntse bo fetella ho ya pele ha matsatsi a ntse a feta haholo tlhekefetso ya tsa thobalano le ho se tsotelle bana. Ho na le mekgatlo e lwantshang tlwaelo ena empa ho latela dipalopalo batlodi ba molao ba lokolohie hobane ha ho na bopaki bo phethahetseng. Boemo bona bo feteletswa maemo a phedisano le moruo moo bana ba thodiswang ka ho fuwa tjootjo. Le ha ho le jwalo mmuso o entse monyetla wa banamodi ho latela karolo ya 70A ya Molao wa 51 wa 1951 wa Molato wa Tlolo ya Molao ho ya ka moo o ileng wa fetolwa ka teng ho thusa dipaki tsa bana.
Lenaneng lena le ka hodimo ho hlakile hore ho ba tlokotsing ha sehlopha sena ho bakwa ke ho sebediswe ha menyetla eo ho fanweng ka yona ho tshiletsa ditokelo tsa bana. Ka hoo setjhaba se kgothaletswa ho dula se fadimehetse ditlolo tsa ditokelo tsa molao tsa bana ekasitana le ha ngwana a hlekefetswa ke motswadi kapa ba lelapa. Hore o tle o kgone ho tseba ditokelo tsa molao tsa bana, o kopuwa hore o fumane lesedi lena le hoketsweng la mathata ao bana ba thulanang le ona kgotla, le ho bala bukana ya Bili ya Ditokelo Kgaolong ya ditokelo tsa Bana.
Qetellong mmuso ka Molao wa Motheo o entse monyetla wa tshireletso ya ditokelo tsa bana ka disebediswa tse radilweng Molaong wa Motheo tse kenyeletsang Khomishene ya Batjhaba e thehilweng ho latela Molao wa 19 wa 1996 wa Khomishene ya Naha ya Batjha jwalo ka ha o fetotswe ka 200. Tokomane e nang le dintlha tse phethahetseng e a fumaneha mabapi le karolo ena ya Tshireletso ya Ditokelo tsa rona.
Karolo ya 9 ya Molao wa Motheo e etsa monyetla hore . Ho latela histori basadi esale ba fuwe boemo bo tlase ka dinako tsohle ho la Afrika Borwa ho tloha mehleng ya kgale-kgale. Boemo bona ke bo akaretsang mme ha bo kgetholle dilemo, botjhaba kapa boemo setjhabeng. Le ha karolo ya 9 ya Molao wa Motheo e bontshintse ntle le tikatiko hore motho e mong le e mong o lekana le ba bang molaong le hore o na le tokelo ya tshireletso e lekanang le ho fola molemo molaong. Karolwaneng ya ho boletswe hore kgethollo e tobisitsweng ho motho ka lebaka la tshekamelo tsa bong e thibetswe, empa basadi ba dula e le diphofu tsa kgethollo e nang le leeme. Ho feta mona, jwalo ka ntlheng ya bana ho na le disebediswa tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha tse bontshang hore ditokelo tsa basadi di a ananelwa le hore di lokola ho sireletswa?
Ho latela Ngaka Danny Titus ditokelo tsa basadi di simolla ka lapeng. Ha di a qatjwa Geneva or Banjul kapa Strasbong kapa Vienna kapa San Jose, moo mekgatlo ya matjhaba e kopanang le ho batla tshehetso le ho bokella disebediswa tsa matjhaba tsa ditokelo tsa batho. Se etsahalang dibakeng tseo se etsahala feela hobane batho le mekgatlo boemong ba selehae le ba naha ba kgona ho fumana mathata, ba ntshetse pele dintlha tse itseng, mme ba di phatlalatse setjhabeng le ho ba etsang maano Human Rights Quarterly 16 1994 559- 573?
Hobane basadi ba ne ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ntlheng tse ngata tsa bophelo ba bona, motho a ka nna a bona e ka ba na le ditokelo tse ngata ho feta empa hape ba na le boikarabelo bo fetang moo. Mmuso o boetse o lebeletswe ho tlisa diphetoho molaong wa naha kapa o lokela ho etsa molao o motjha o tla phekola bothata bona.
Lentswe lena ho holofala kapa ho qhwala le bolela ho lahlehelwa kapa ho ngotlwa ha menyetla e fumanehang bophelong ba setjhaba hore ba kgone ho lekana le batho ba bang. Le ha ho hlokeha tlhaloso ya molao ya lentswe lena kgolofalo, le kenyeletsa mefuta e fapafapaneng ya dikgaello bokgoning ba motho ya itseng ba ho sebetsa. Tokomaneng ya leano la Afrika Borwa lentswe lena le supa tshitiseho mmeleng, kelellong le dithong tsa kutlo. Tshitiseho tse jwalo e ka nna ya e ba tsa nakwana kapa tsa moshwella. Ka hoo batho ba ka nna ba e ba le dikgolofalo tsa mmele tse amang maoto kapa matsoho, kgolofalo dithong tsa kutlo e amanag ho mamela, ho bona le bokgoni ba kelello bo kenyeletsang mahlale a kelello le a kutlwisiso.
Karolo ya 19 ya Molao wa Motheo e entse monyetla wa hore moahi e mong le e mong o lokolohile ho ka etsa kgetho ya dipolotiki e kenyeletsang tokelo ya ho theha mokga wa dipolotiki, ho kenela mesebetsi ya yona, ho kena matsholong a ho batla tshehetso ya mokga wa dipolotiki?
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya dikgetho tse lokolohileng, tse hlokang leeme le tse tshwarwang kgafetsa bakeng sa moifo ofe kapa ofe wa molao o thehilweng ho latela Molao wa Motheo. Moahi e mong le e mong wa motho e moholo o na le tokelo ya ho voutela moifo wa molao o thehilweng ho latela Molao wa Motheo, le ho etsa kgetho ya hae ka lekunutu, le ho emela ofisi ya setjhaba mme haeba a ka kgethwa a kene ofising eo.
Ka hobane karolo ena e fana ka tokelo ho moahi e mong le e mong wa motho e moholo ya ho vouta dikgethong, ntho ena ke monyetla o moholo Afrika Borwa. Ditokelo tsa ho vouta e ne e le monyetla wa makgowa a palo e nyenyane ho fihlela ka 1983 ha ho etswa palamente e koto di tharo (tri-cameral parliament). Ke Makgowa, Makhalate le Ma-India ba neng ba fuwe monyetla wa ho vouta ho fihlela ha ho ba le dikgetho tsa pele tsa demokerasi ka 1993 moo baahi bohle ba Afrika Borwa ba ileng ba fumana bolokolohi ba ho vouta, ho emela dikgetho le ho theha mekga ya dipolotiki ya kgetho ya bona. Le ha ho le jwalo, pele ho dikgetho tsa 1999 ho ile ha ba le ditlolo tsa ditokelo tsa dikgetho tse lokolohileng. Mohlala, Tlalehong ya Selemo ya 1999, SAHRC e ile ya lokela ho fuputsa diketsahalo moo ditokelo tsa batho tsa dipolotiki di neng di hanetswe ke marena kapa borapolasi.
Karolong ya Ditokelo le Boikarabelo, ho na le dintho tse lokelang ho etswa le tse sa tshwanelang ho ka etswa ke batho le mmuso mabapi le tokelo e nngwe le e nngwe.
Ho netefatsa hore boahi bo bontshitswe pele motho ya kgethang a ngodisetsa ho vouta ka ho fumana tokomane ya boitsebiso ya mmuso le ho ya ka ona seteisheneng sa moo ho voutwang teng.
Ho fa mokga o mong le o mong wa dipolotiki nako e lekanang ya ho buwa thelevisheneng le radiyong.
Ho phethahatsa karolo ya 20 ya Molao wa Motheo e etsang monyetla wa hore ho se be le moahi ya tingwang boahi?
Ho qobella Molao wa Dikgetho ka dinako tsohle haholo nakong ya dikgetho.
Karolo ya 23 ya Molao wa Motheo e etsa monyetla wa hore Motho e mong le e mong a be le tokelo ya tshwaro e hlokang leeme ya mosebetsing mme sena se akaretsa tokelo ya ramosebetsi le mosebetsi le mabapi le ho thehwa ha mekgatlo ya basebetsi. Karolo ena e dumellana le karolo ya 13 - ya bokgoba, bosebeletsi le ho tlamellwa ho sebetsa, ya 16 bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo, ya 17 ya dikopano tsa ho pepesa, ho hlahisa boipelaetso le mangolo a boipelaetso le ya 18 ya bolokolohi ba ho ikamahanya le mang kapa mang?
Karolo ena ya molao e ne e tletse kgethollo e thehilweng botjhabeng, ho bong, boemong kapa boemong ba dilemo. Batho ba batsho ba ne ba futsitswe haholo ke kgethollo ya mofuta ona ho feta baahi bohle ba bang ba Afrika Borwa. Ntle le boemo ba thuto, Batho ba batsho ba ne ba le maemong a tlase ho feta haholo basadi le ana ba neng ba sebediswa jwalo ka makgoba le ho tlamellwa ho sebetsa. Batho ba holofetseng ba e ba sa nkelwe hloohong ho hang tabeng ya mosebetsi. Le ha ho le jwalo ho entswe molao wa basebetsi ka mokgwa o batsi ho phekola karohano tsa nakong e fetileng ho rarolla kgethollo le tlhokeho ya mosebetsi le ha dikarolo tsena di ntse di hlahela haholo hobane le basebetsi ba mapolasing ba ne ba sa kenyeletswa Molaong wa 1955 wa Dikamano tsa Mosebetsi wa Afrika Borwa ka lebaka leo ba ne ba tobane le bothata bo boholo mme le nakong ya hona jwale ba netse ba sotlwa ke borapolasi. Sena se bakile tlhokeho ya kutlwano empa boemo bona bo a ntlafala ka morao hoba ho etswe molao baekng sa basebetsi ba mapolasi le ba malapeng. Molao o ile wa fetolwa wa Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995, Dipehelano tsa Mantlha tsa Mosebetsi tsa 1997 mme ho entswe le molao o motjha , mohlala, Molao wa 55 wa 1998 wa Tekano Mosebetsing, Molao wa 78 wa 1995 wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, Molao wa 85 wa 1996 wa Ntshetsopele ya Mahlale a Mosebetsi. Morero wa sehlooho wa ntshetsopele ena ya melao ke ho ntlafatsa maemo a mosebetsi ho ntlafatsa mmaraka wa tshebtso le ho tlisa boleng ba maemo a mosebetsi bakeng sa bohle ho laela molao wa motheo ketapeleng ya ona Ntlafatso ya boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong?
Tokelo aya dikamano tsa mosebetsi jwalo ka ditokelo tsohle e na le boikarabelo bo tsamayang le yona, mohlala, e hloka hore?
re imatlafatse ka mahlale kapa mangolo a hlokehang ho ka kena lebelong la tlhodisano ya mesebetsi e batlehang.
Re ikamahanye le melawana ya mosebetsi dibakeng tsa mosebetsi.
Re ipapise le boitshwaro bo botle le ho latela mohato o nepahetseng wa ho qobella tokelo tsa rona , haholo tokelo ya ho kenela seteraeke.
Re sebedise monyetla o mong le o mong o teng ho ntshetsa pele mahlale.
Re qobe ho kgetholla ba bang ka metheo efe kapa efe.
Mmuso o lokela ho theha le ho qobella tshebediso ya molao o tshireletsang basebetsi kgethollong le mosebetsing wa qobello.
Thuto ya Moelelo wa Phedisano e rerile ho fana ka monyetla ho bahlanka kaofela ba kgotla wa tsebo le kutlwisiso hore ba kgone ho amohela lehlakore la batho ba bang le maemo a bona a fapaneng le a bona e le hore diqeto tseo ba di etsang di be le toka mme di nepahale setjhabeng seo re phelang le sona?
Ka ho etsa jwalo ho tla ba le tjhadimo tsa sehlopha se dumellanang. Ho feta mona batho ba leka mekutu a ho boloka kapa ho ba le tjhadimo e nepahetseng ha ba le ka hare ho sehlopha papisong le dohlopha tse ding, hobane ntho ena e hlahela hantle boitemohong.
Ha ke hlahise hore batho ba morero ba etsa qeto ya ho sebedisa ditjhadimo tse sa nepahalang. Hantlentle tjhadimo tsa botjhaba le tsa tshekamelo ya bong di teng, kelellong tsa rona, tse tswetsweng ke phedisano setjhabeng seo re leng ho sona le ho kgothaletswa ke botjhaba bo botjha le boraditaba. Ka dinako tse ding tjhadimo tsena di kgokgothetswe institjusheneng tsa rona. Re na le ho di amohela e le dinnete. Ha re tjametswe ke bothat, re atisa ho sebedisa tjhadimo tsena hobane ho tlwaelehile ebile ho bonolo ho etsa jwalo ho feta ho hlahloba bothata le ho fumana tharolo ya qeto e nang le kello ka tsela ya monahano le ho mamela ekasitana le hlopholla ditaba?
KELELLO: Ho kgethula dintho ka dihlopha ho tlisa lefatshe tjhadimong e matlanyana mme ho theha tikoloho e utlwahalang eo ho yona idntho di leng ntsho ho feta kapa di leng tshweu, di kgonang ho hlaka le ho tjhora hantle. Ketso e jwalo bopa lefashe le boitsebelo ba rona kahare ho lona. E re dumella ho sebetsana le lesedi le lengata haholo hang hang.
BOLENG: Tjhadimo e kenya letsoho mokgweng oo motho a hokelang boleng ka teng dinthong. Moo ho kgethulo dintho ka dihlopha ho nang le boleng bo itseng mme ho amehang ka sela e tobileng le ya bohlokwa mokgweng oo motho a hokelang boleng ka teng dinthong, ho na le molemo bothong wa ho boloka le ho akofisa tswakatswano ya dihlopha.
Ho mamela ka ho nkella hloohong maemo a motho e mong ho thusa hore o kgone ho kena kahare ho tsela ya monahano ya motho e mong. O kgona ho sheba ho tloha sebakeng seo, o bona lefatshe ka tsela eo motho e mong a le boanng ka teng, o utlwisisa boemo ba monahano ba motho eo, o utlwisisa ka moo motho eo a utlwang ka teng.
Ho mamela ka ho nkella hloohong maemo a motho e mong ho matla haholo hobane ho o fa lesedi le nepahetseng leo o tla kgona ho sebetsa ka lona. Ho e na le hore o ipabole le ho nahanela motho e mong ka maikutlo, maikemisetso le kutlwisiso, o kgona ho sebetsana le nnete e ka hare ho kelello le pelo ya motho e mong. O mametse hore o tsebe ho fumana kutlwisiso. O tjhorile hore o fumane kgokahano e tebileng ya botho ba motho e mong.
Le ha ho le boima ho etsa jwalo, tsekella ho utlwisisa, kapa hlahloba pele o etsa qeto le ho kgothaletsa.
Leqheka la kahlolo e nepahetseng ke kutlwisiso. Ho diha kahlolo pele, motho a ke ke a hlola a sa utlwisisitse ka ho phethahala.
Hobane re mamela boitlhaloso ba ba rona, re atisa ho arabela ka o mong wa mekgwa ena e mene. Re hlahloba ka morero wa ho dumela kapa ho se dumele; re fata dipotso re botsa dipotso ho tloha ka lehlakoreng la monahano wa rtona; re a eletsa re fana ka thuso ya keletso ho latela maemo ao e leng a rona; kapa re a hlalosa re leka ho fumana hore batho ba jwang, ho hlalosa maikemisetso a bona, boitshwaro ba bona, ho latela maikemisetso le boitshwaro boo e leng ba rona. Karabelo tsena di itlisa feela ho rona ka lebaka la ho tlwaela. Re kene ka botebo bo boholo ho tsona mme re phela ho ya ka takatso ya tsona ka dinako tsohle?
Ako bone ka moo kutlwisiso e ka tlisang phapano ka teng! Dikeletso tse reretsweng botle kaofela lefatsheng di ke ke tsa fetoha seolo sa dinawa haeba re sa rarolle bothata ba sebele bo re bo fuweng. Mme re ke ke ra fihlella bothata haeba re iphumana re tshwasehile ke boitlhaloso ba ditaba tsa rona, tsela tsa rona tsa monahano, hore ha re kgone ho role dibrele tsa rona ho lekaneng hore re ka kgona ho bona lefatshe ho latela tjhadimo e nngwe. Ha o batla ho utlwisisa e le nnete, ntle le tataiso kapa boikaketsi, ho tla ba le dinako tseo ka tsona o tla makala ka tsebo e hlwekileng le kutlwisiso e tla o tlela e tswang mothong e mong. Ha se hore kamehla ho hlokeha hore o buwe ho toboketsa ntlha ya hao. Hantlentle ka dinako tse ding mantswe a ema tseleng ya hao.
Ha o ithuta ho mamela ka botebo se buuwang ke motho e mong, o tla sibolla phapano e kgolo ya tjhadimo. O ka nna wa bona lefatshe ka tsela eo molekane a le bonang ka teng; ke bona lefatshe ka tsela ya tjhelete ya ngongoreho ya moruo.
Ho fihlella motho e mong ke ho tsamaya moo ho halalehang.
Ho na le thuto ya tlhakiso e etswang ka tlelaseng. Ditshwantsho tsa thuto ena di hasanngwa ka tlelaseng.
Ha tokelo ya motho e sa hlomphuwe a ka sebedisa tsela eo e seng ya molao ya tshireletso ya tokelo ya hae. A ka leka ho rarolla qaka ena le motho ya amehang.
Moetapele wa setjhaba, jwalo jwalo.
Haeba hoo ho hloleha a ka leba institjusheneng ya molao.
Kgaolo ya 9 , institjushene ke dibopeho tseo tse ka atamelwang bakeng sa tshireletso ya ditokelo tsa motho.
Mosireletsi wa Naha wa Setjhaba, Monamodi (Ombudsman), jwalo ka ha ofisi ena e ne e tsejwa nakong e fetileng, ke mohlanka wa boemo bo hodimo.
O na le matla a ho fuputsa, ho kgothaletsa mehato ya tokiso ya phoso le ho fana ka tlaleho.
Motho ofe kapa ofe a ka hlahisa ngongoreho ya hae ho Mosireletsi wa Setjhaba, ya tla fuputsa tletlebo. Nahana ka Mosireletsi wa Setjhaba jwalo ka moletsaphala ya kgonang ho sheba bothata ka mahlakoreng ohle. Haeba Mosireletsi wa Setjhaba a fumana hore ngongoreho e na le toka, o tla etsa mawala ohle ho fumana tharollo ya bothata, e kenyeletsang ho kgothaletsa diphetoho tseleng ya tshebetso.
Mosireletsi wa Setjhaba a ka tlaleha bothata bona Palamenteng, e tla tshwara kgang ka taba ena le ho bona hore dikgothaletso di a latelwa.
Diphuputso hangata di etswa ka mokgwa oo e seng wa molao, empa Mosireletsi wa Setjhaba a ka bitsa ka molao batho ho tla fana ka bopaki tlasa kano kapa tiiso haeba hoo ho hlokeha.
Mmuso boemong bofe kapa bofe. Mona ho kenyeletswa mmuso wa naha le wa provense, mafapha a mmuso le makgotla a selehae.
Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi wa setjhaba. Mona ho kenyeletswa motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi wa molao o amang bohle kapa karolo ya batho ba Afrika Borwa, mohlala, mosebeletsi wa mmuso, ya jwalo ka lepolesa kapa mohlanka ya kgethilweng.
Dikoporasi kapa dikhampani moo mmuso o nkgang lefotha, mohlala, Eskom le Telkom Ltd.
Leeme le sa lokang leo molli a ileng a thulana le lona kapa motho e mong, mohlala, ka lebaka la tshebediso e fosahetseng ya matla, tshwaro e nang le leeme, ho se tshepahale, ho hloka mekgwa e metle kapa boitshwaro bo bong bo seng botle, tiehiso e sa hlokeheng, tlolo ya tokelo ya botho, ntho efe kapa efe e entsweng kapa qeto e entsweng ke balaodi.
Ha sello sa hao e le leeme, o lokela ho leka ho rarolla bothata bona ka bowena pele o lebisa tletlebo ho Mosireletsi wa Setjhaba, mohlala, ka ho buwa le mohlanka kapa bahlanka ba amehang., kapa haeba hoo ho sa sebetse ka ho ngolla motho ya ikarabellang ho mohlanka kapa bahlanka , mohlala, Hlooho ya Lefapha.
Ha feela o sa kgone ho rarolla bothata, ke hona o ka ngollang ho Mosireletsi wa Setjhaba o ka romela lengolo ka fekse kapa ka ho le fihlisa ka matshoho?
Mofuta wa tletlebo ya hao.
O lokela ho hlahisa mabitso a mohlanka eo o neng o ntse o sebetsa taba ena le yena, matsatsi le se ileng sa buuwa.
Dikhopi tsa mangolo afe kapa afe dipakeng tsa hao le bahlanka a lokela ho hokelwa lengolong la hao.
Nomoro ya founu moo o ka fumanehang teng, haeba o na le yona.
Dintlheng tse ding Mosireletsi wa Setjhaba a ka nna a hloka tlhaloso tlasa kano pele a etsa diphuputso.
Ha o sa tsebe hantle hore naa bothata ba hao ke bo ka fuputswang ke Mosireletsi wa Setjhaba kapa tjhe, kapa haeba o sa tsebe ho ngola, o ka founela ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba. Ho na le basebetsi ba moifo ba rupetsweng ba profeshenale ba tla mamela tletlebo ya hao, ho sa tsotelehe hore e kgolo kapa e nyenyane, mme ba etse diphuputso.
Dintlheng tse ding moifo o kgona ho thusa batho ho fumana tharollo ya ka potlako ya mathata a bona. Moifo o kgona le ho o thusa hore o ise tletlebo ya hao hokae haeba Mosireletsi wa Setjhaba a sa kgone ho thusa.
O ka nna wa etela le ofising bakeng sa puisano kapa therisano, haeba o kgahlwa ke ho etsa jwalo. Ho molemo ho ngola pele mme o kope hore ho buisanwe le wena lengolong leo.
Mosireletsi wa Setjhaba le moifo ba tla boloka lebitso la motletlebi e le lekunutu ha ho hlokeha, le ha ho kgoneha.
Letho. Ditshebeletso di fumaneha mahala mme di fumanwa ke motho e mong le e mong ya nang le bothata jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo.
Dikahlolo tsa baahlodi le bomaseterata, ho kenyeleditswe le dinyewe tseo ba seng ba di dihile. Diketso tsa praevete tsa batho, dikhampani tsa praevete, dingaka kapa maqwetha ba sa sebeletseng mmuso.
Le ha ho le jwalo, moifo wa Mosireletsi wa Setjhaba o ka thusa ka ho o bolella hore o lebise tletlebo hokae kapa hore o etse jwang dintlheng tse boletsweng ka hodimo. Ho tse ding tse itseng Mosireletsi wa Setjhaba a ka nna a o romela lekgotleng la molao moo ho leba kgotla ho tla beng ho le molemo ho feta ho sebetsana le nyewe ya hao. Ka lebaka la hobane Mosireletsi wa Setjhaba ha a sebetse jwalo ka leqwetha la motho ofe kapa ofe, o tla romelwa leqwetheng haeba nyewe ya hao e lokela ho leba lekgotleng la dinyewe.
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba wa Naha e Pretoria.
Le ha ho le jwalo, provenseng e nngwe le e nngwe ho tse robong ho na le Mosireletsi wa Setjhaba.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho e kgothaletsa tlhompho le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Seabo sa yona ke ho ruta batho ka ditokelo tsa botho le ho fuputsa ditletlebo tse mabapi le taba ya ho se hlomphe ditokelo tsa botho. E kgona ho hlophisetsa motho leqwetha le tla mo thusa ho tshireletsa ditokelo tsa hae mme e ka isa dinyewe lekgotleng la dinyewe ha ho hlokeha. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho (HRC) ke mokgatlo o ikemetseng o ikarabellang feela Molaong wa Motheo. E tlameha ho fana ka tlaleho Palamenteng hang ka selemo.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho isa tletlebo Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho o lokela ho tlatsa foromo ya ditletlebo e bitswang SAHRC Complaints form?
Khomishene e thehilwe hore e kgothaletse le ho sireletsa ditokelo tsa botjhaba bo fapaneng, tumelo le dipuo tsa batho. E lokela ho kgothaletsa le ho ntshetsa pele kgotso, kutlwisisano le kopano ya naha hara batho bana mabapi le tekano, ho se kgetholle le bolokolohi ba ho ikamanya le mang kapa mang.
Ke ntlha ya bohlokwa haholo hore dibopeho tsohle tsa mmuso, ho kenyeletswa le Mopresidente ho utlwisisa ka botlalo hore tokoloho e ke ke ya fihlellwa ha feela basadi ba sa lokollwa ditlamong tsa kgatello?
Mopresidente Nelson Mandela, ha a ne a bula Palamente ya pele e kgethilweng ho latela demokerasi ya Afrika Borwa ka la 24 Motsheanong 1994.
Khomishene ya Tekano ya bong ke e nngwe ya institjushene tse tsheletseng tsa mmuso e tshehetsang demokerasi e ileng ya hweletswa ka Molao wa Motheo wa 1996. Sepheo sa Khomishene jwalo ka ha se hlakisitswe karolong ya 187 ya Molao wa Motheo ke ho kgothaletsa tekano ya bong le ho eletsa le ho kgothaletsa palamenteng kapa lekgotleng lefe kapa lefe le etsang melao mabapi le molao ofe kapa ofe kapa molao o lohothwang o amang tekano ya bong le boemo ba basadi.
Mohlakisi kakaretso o lekola diakhaonte tsa mafapha ohle a mmuso wa naha le a provense ekasitana le mebuso kaofela ya selehae ho netefatsa hore ho na le boikarabelo ditjheleteng.
Dipuisano tse ileng tsa tswala tharollo ya dipolotiki Afrika Borwa hara tse ding ke ho thehwa ha Khomisehene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) ho latela dipallo tsa Molao wa Motheo wa 1993.
Maikemisetso a Khomishene ke ho matlafatsa molao wa motheo, demokerasi le ho kgothaletsa tshebetso ya dikgetho sa demokerasi. Khomishene e na le thomo ya ho tsamaisa dikgetho tsa naha, tsa diprovense le tsa bomasepala ha mmoho le direferandamo?
Matla a yona, boikarabelo le mesebetsi ke dintlha tse hlahang Karolong ya 5 ya Molao.
Karolo ya 19 ya Molao wa Motheo e boetse e etsa monyetla wa tshireletso ya ditokelo tsa dipolotiki, tseo e leng tsona mooko wa tshebetso ya eo e leng ya Khomishene.
Khomisehene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) e na le diofisi diprovenseng tse robong kaofela.
Ho na le mekgatlo e meng ntle le institjushene tsa kgaolo ya borobong e thehilweng ho matlafatsa demokerasi ya rona.
Khomishene ena e thehilwe ho hlokomela mahlakore kaofela a kgaso naheng ena, mohlala, ho netefatsa hore kgaso ya radio le ya thelevishene e hloka leeme le hore di hasa ditaba tsa setjhaba sa Afrika Borwa.
Mopresidente Nelson Mandela o ile a hlomamisa Khomishene ya Naha ya Batjha ha Phupjane e hlola matsatsi a 16 ka 1996 ho latela Molao wa 19 wa 1996 wa Khomishene ya Naha ya Batjha. E thehilwe hore e ntshetse pele lewa le batsi la tharollo ya diphepetso tse tjametseng batho ba batjha ho la Afrika Borwa.
Pono ya Bolaodi ba Ditletlebo bo Ikemetseng (ICD) ke SAPS e fetotsweng ho kgema le moya le ho tshehetsa Molao wa Motheo. Boikemisetso ba bona ke ho kgothaletsa boitshwaro bo nepahetseng ba sepolesa. Sepheo ke ho ntshetsa pele tshepo ya setjhaba mekutung e etswang ke SAPS le ICD ho thibela boitshwaro bo sa nepahalang ba sepolesa, ha mmoho le ho etsa monyetla wa qoso ya batlodi ba molao hara ditho tse fumanwang di ile tsa etsa tlola molao.
Karolo ya 25 le ya ya Molao e reng motho e mong le e mong ya ileng a lahlehelwa ke naha ka morao ho selemo sa 1913 ka lebaka la molao wa kgethollo o na le tokelo ya ho etsa tseko ya naha eo hore a boele a e buseletswe kapa a fuwe ditlhapiso tsa naha eo. Karolo ya 25 e etsa monyetla wa hore mmuso o fetise molao o tla thusa ho sebetsana le ditseko tsena. Mmuso o ile wa fetisa Molao wa Ditlhapiso le Ditokelo tsa Mobu oo ka ona Khomishene ya Ditseko tsa Naha le Lekgotla di leng tsa thehwa ho hlahloba ditseko tsa batho ba naha.
Mesebetsi ya Khomishene ya Ditseko tsa Mobu ke ho fuputsa ditseko tsa mobu, ho buisana le ho rarolla ditseko tsena le ho fetisetsa ditseko Lekgotleng la Ditseko tsa Mobu haeba e hloleha ho di rarolla. Khomishene ya Ditseko tsa Mobu e na le ditseko tse makgolo tseo e ntseng e tshwarane le ho fi fuputsa.
Lekgotla la Ditseko tsa Mobu le tla etsa qeto e ke keng ya rarollwa ke Khomeshenara. Lekgotla le ka laela hore batho ba boele ba fumane naha ya bona hape, kapa la laela hore motho ya etsang tseko a fuwe naha e nngwe mobung o mong wa mmuso, kapa le ka lefa motho ya kentseng tseko ya ditlhapiso tsa ho lahlehelwa ke naha ya mobu wa hae.
Karolo ya 20 ya molao wa motheo e re: Ha ho moahi ya ka hanelwang ka boahi?
Motho ya hlahetseng Afrika Borwa ke moahi wa Afrika Borwa mme a ke ke a hanelwa ka sena. Ho latela karolo ya 21 ya molao wa motheo, Motho e mong le e mong o na le tokelo ya bolokolohi ba motsamao, tokelo ya ho tsamaya mona Rephaboliki, tokelo ya ho kena, ho dula le ho phele hohle Rephaboliki le tokelo ya lengolo la botsamai?
Mohala wa seabo sa boahi.
Mehato e latelang e 10 e tla o thusa ho rala letsholo la dintlha tse nepahetseng setjhabeng sa heno. Latela mehato ena ho ithusa ka letsholo la hao.
Ke bothata ba mofufa ofe?
Mekgwa e itseng ya ho rarolla bothata bona ke efe?
Ho na le dithibelo kapa mathata afe tseleng?
Ke mehlodi efe e teng (ya ditjhelete le ya batho)?
KGETHA BOIKEMISETSO BO QOHOLEHILENG ba letsholo(o seke wa ba le maikemisetso a fetang a 4). Ka mantswe a mang o ilo etsa eng e le karolo ya letsholo la hao. Etsa qeto ya nako ya letsholo lena kaofela.
QOTSA NTLHA BOIKEMISETSONG BO LE BONG O FUMANE MAIKUTLO ketso le mehato e hlokeha ho fihlella boikemisetso bona. Ngola tsena tsohle fatshe. (Hobane ho hlahiswa maikutlo feela mehopolo ya tse ka etswang e ke ke ya latelana ka mokgwa o itseng).
LEKOLA TSEO (HLAHLOBA) MEHOPOLO HO TLOHA MOHATONG WA 3 mme o kgethe mehopolo e bonahalang hore e na le monyetla wa ho atleha. Ngola mohato o mong le o mong kareteng ya diketso e hlwauweng kapa setlankaneng sa pampiri sa boholo ba 5cm x 8cm. (Tsena di bitswa hore ke dikarete tsa mehato).
PHETA MEHATO YA 3 LE 4 BAKENG SA MAIKEMISETSO A MANG ao o ileng wa fumana mohatong wa 2.
NKA LEQEPHE LA DITABA o ngole sehlooho sa letsholo la hao le nako ka hodimo. Seha mola ka tlase. Ngola boikemisetso ba pele ba letsholo ka tlase ho mola ona. Seha mola o mong ka tlase mme o ngole boikemisetso ba bobedi. Tswela pele ho fihlela o ngotse maikemisetso kaofela.
HLOPHISA DIKARETE TSA DIKETSO TSA BOEMONG BA 4 ka tatellano mme o di bapise le maikemisetso a loketseng. Qala ka bohato bo bobebe kapa bohato bo potlakileng ho feta. Tshohla dikarete tsa mehato o di hlophise botjha haeba ho hlokeha. Kenya mehato mohato ofe kapa ofe o motjha o hlahiswang.
TSHOHLA DIKARETE KA BONNGWE e tla nka nako e kae, ke mang ya tla jara boikarabelo ba mohato ka ditshenyehelo dife, haeba ho tla ba le ditshenyehelo. Ngola nako, moth ya tla jara boikarabelo ba ho etsa hoo le ditshenyehelo kgatong ya ketso ka nngwe ya karete ya diketso?
TADIMA NAKO YA LETSHOLO LOHLE Ngola dikgwedi ka hodimo leqepheng?
KGWEDING EFE O ntse o bolokile dikarete tsa hao tsa diketso di le jwalo. Hlophisa dikarete tlasa dikgwedi tse tshwanetseng.
Khoutu ya Boitshwaro le Boitshwaro wa Kgwebo ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Tekano: O ke ke wa kgethollwa. Empa ho fana ka menyetla ho ba neng ba tinngwe menyetla pele le kgethollo e hlokang leeme di dumeletswe.
Seriti sa Botho: Seriti sa hao se lokela ho hlomphuwa le ho sireletswa.
Bophelo: O na le tokelo ya ho phela.
Tokoloho le tshireletso ya motho: O ke ke wa kwallwa ntle le ho qoswa, wa sotlwa kapa wa fuwa kotlo e sehloho. Dikgoka tsa malapeng ha di a dumellwa.
Lekunutu: O ke ke wa setjhwa kapa lelapa la hao la fuputswa kapa dintho tsa hao.
Bolokolohi ba tumelo, kgolo le maikutlo: O ka dumela le ho nahana seo o se batlang mme wa latela tumelo kapa kgetho ya hao.
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo: Batho bohle (ho kenyeletswa boraditaba) ba ka buwa eng kapa eng eo ba batlang ho e buwa.
Pokano, mekoloko ya dipontsho le mangolo a boipelaetso: O ka tshwara kopano, mekoloko ya dipontsho le mangolo a boipelaetso. Empa o lokela ho etsa tsena tsohle ka kgotso.
Bolokolohi ba kamano: O ka amana le mang kapa mang eo o batlang ho amana le yena.
Ditokelo tsa dipolotiki: O ka tshehetsa mokga wa dipolotiki wa kgetho ya hao. Ha o le moahi mme bonyane o na le dilemo tse 18, o dumeletswe ho vouta.
Bolokolohi ba motsamao le bodulo: O ka tsamaya ho ya dula hohle Afrika Borwa.
Bolokolohi ba kgwebo, tshebetso le profeshene: O ka etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo o kgethang ho o etsa.
Dikamano tsa Mosebetsi: O ka kenela mokgatlo ofe kapa ofe wa basebetsi le ho kena seteraekeng.
Tikoloho: O na le tokelo ya tikoloho e nang le bophelo bo botle.
Thepa: Thepa ya hao e ka nkuwa ho wena feela haeba ho latetswe melawana e nepahetseng.
Ntlo: Mmuso o lokela ho netefatsa hore batho ba fumana matlo a nepahetseng.
Tlhokemelo ya bophelo bo botle, dijo, metsi le tshireletso ya setjhaba: Mmuso o lokela ho etsa bonnete ba ho fumaneha ha dijo, metsi tlhokomelo ya bophelo le tshiretso ya setjhaba.
Bana: Bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba na le ditokelo tse ikgethang tse tshwanang le tokelo ya ho se hlekefetswe.
Thuto: O na le tokelo ya thuto ya mantlha, ho kenyeletswa thuto ya mantlha ya batho ba baholo, ka puo eo e leng ya hao (moo ho kgonehang).
Puo le botjhaba: O ka sebedisa puo eo o e ratang le ho latela botjhaba boo o bo ratang.
Setho, tumelo le dipuo tsa ditjhaba: Ditjhaba di ka natefelwa ke botjhaba ba tsona, tsa sebedisa tumelo ya tsona le ho sebedisa puo ya tsona.
Ho fihlella lesedi: O na le tokelo ya ho fumana lesedi lefe kapa lefe, leo mmuso o nang le lona.
Mehato e nang le toka ya tsamaiso: Mehato ya mmuso e lokela ho hloka leeme.
Ho kgona ho fihlella makgotla a dinyewe: O na le monyetla wa hore bothata ba hao ba molao bo rarollwe ke lekgotla la dinyewe, kapa sebopeho se tshwanang le seo.
Ditokelo tsena tsohle di ka ngotlwa haeba sekepele se tsepamisitsweng temaneng ya (s36) ya ho ngotla ditokelo, e kgotsofaditswe.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSEBA DITSHEBELETSO T.txt</fn>
Ponelopele ya Lefapha la Lehae ke ho thusa ka tshebeletso e tswileng matsoho. Dilemong tsena, ho rala mokgwa wa ho sebetsa e se e le taba ya bohlokwa boitekong ba Lefapha ho ntlafatsa tshebeletso ho ditlelaente tsohle tsa lona naheng yohle. Re ntse re hopola hore motho e mong le e mong Afrika Borwa moahi, modudi sebakeng se itseng, mophaphathehi kapa moeti, ke tlelaente ya Lefpaha la Lapeng, tshebeletso e hodimo ke taba e kgolo ya maikemisetso a morero e tsamaisang ho ralwa le se etswang sa lefapha . Lefapha le itelletse ho sebeletsa mananeo a fapaneng tse tla qetella di fetotse motheo le ditsamaiso tsa kgwebo tse fanang ka polatefomo ya ho fana ka ditshebeletso?
Thomo ya Lefapha ke ho ntshetsa pele le ho sireletsa boleng ba setjhaba sa rona.
Ketapele ya Molao wa Motheo e beha boitlamo hodima mmuso ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba bahi bohle le ho lokolla matla a motho ka mong.
Lefapha la Lehae le fana ka ditokomane tse dumellang batho ho fumana matlo, thuto, tlhokomelo ya bophelo bo botle, dithuso tsa phedisano, dipenshene, mesebetsi, ditshebeletso tsa ditjhelete le ho ba le monyetla wa ho sebedisa tokelo ya bohlokwa ho kgetha mmuso oo ba o batlang. Hapehape, Lefapha la Lehae, le bona e le taba ya bohlokwa ho sireletsa meedi ya naha ya rona ka ho etsa qeto ya hore ke mang ya ka etelang Afrika Borwa, le hore ke mang ya ka thabnang le rona ka makgabene le menyetla ya demokerasi ya rona e sa leng nyenyane le moruo wa yona o sa thuthuhang?
Hore demokerasi le moruo wa sejwalejwale o sebetse hantle, boitsebiso le maemo a batho bohle ba phelang le ba sebetsang naheng ena ho tlameha hore ho ngodiswe ka nepo , mme e be mosebetsi o ka fihlellwang. Mesebetsi eo e leng yona ya Lefapaha la Lehae: ho ngodisa boitsebiso le maemo a baahi ba naha ; baahi le baeti ke ditaba tsa bohlokwa ho laoleng le ho esebediseng melao ya phedisano, moruo le dipolotiki. Ke motheo wa ho sebedisa demokerasi le ntshetsopele?
Lefapaha la Lehae e boela e le lesoba leo setjhaba sa rona le baeti ba rona ba bonang mmuso le naha ya rona ka lona. Maafrikaborwa ohle ha mmoho le baeti ba tswang mafatsheng a ka ntle ba etetseng naha ya rona ba hloka ditshebeletso Lefapheng la rona. Ka lebaka lena, maikutlo a bona ka tshebeletso ya lefapha ka kakaretso a thehhilwe hodima diketsahalo tsena. Hape ha re batla ho laola direkoto tsena, Lefapha le fuwe mosebetsi wa ho etsa melao o laolang motho ka mong ya tlang le ya tlohang Afrika Borwa.
Taolo ya ho falla naheng. Ho etswa mosebetsi o moholo nakong ena ho rupela bahlanka ba mmuso ba bofalledi ho ya ka ditlhoko tsa molao ona o motjha le ho lokisetsa Melao e tswang Molaong. Lefapaha le boela le sebetsa le ho hatella tshebediso ya Molao wa Baphalli, (Molao wa 130 wa 1998), o kenyeletsang ho phethahatswa ha disebediswa tsa matjhaba tse lebaneng le baphaphthehi.
Ka kakaretso, Lefapha la Lehae le fana ka ditshebeletso tse pedi tse ka sehloohong: ditshebeletso tsa baahi le ditshebeletso tsa bofalledi.
Tshebeletso ya bofalledi e lebane le ho laola ho kena, ho dula le ho tsamaya ha baditjhaba Afrika Borwa e laolwang ke Melao ya Bofalledi le Baphaphathehi. Le Matjhabeng le teng, Bofalledi e se e eba taba e hlokomelwang ho lemoha ditlhoko tsa setjhaba. Ho ya ka maemo a Afrika Borwa, tshebeletso ya bofalledi le yona e kenyeletsa mesebetsing yohle e phethwang diinstitusheneng tsa mmuso le mafapheng a fapaneng.
Tshebeletso ena e boela e kenyeletsa ho etswa ha ditaelo, ho hlahloba ha mesebetsi ya Bofalledi Diprovenseng le Diokantorong tsa Matjhaba, keketso ya diphemiti tse laolwang ke Lefapha, phallo e sa kgaotseng ya baditjhaba Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, sepheo sa bukana ena, boholo ba tsebiso bo tla lebana le ditshebeletso tse lebiswang baahing ba Afrika Borwa. Bukana e nngwe e fapaneng le ena ka ditshebeletso tsa bofalledi e tla boela e ngolwa. E tla ajwa ka bophara hang feela ha melao ya bofalledi e qetilwe mohlomong hore e tsamaelane le ho kgakolwa ha puso ya matjhaba ya bofalledi Afrika Borwa.
Nakong e itseng, batho ba bangata ba ne ba sa tsebe hore ho batlwa eng hore motho a ka fihlella ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Bikana ena, Ditaba tsa Lehae ka Tshebeletso la Tshebeletso e ka o Thusang le batla ho hlalosa ka mokgwa o bobebe le o utlwahahalng, bohlokwa ba ho ngolla ho fumana ditokomane tse ka o thusang tse tswang Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, se batlwang hore o kope tshebeletso e nngwe le e nngwe, ditjeho tse tsamamelanng le tsona, e ka ba nako e kae le hore tsebiso e nepahetseng e tsamaelanang le ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Hobane motho e mong le e mong Afrika Borwa: moah, mophaphathehi kapa moeti ke tlelaente ya Lefpaha la Ditaba tsa Lehae, tshebeletso ya maemo a hodimo ke maikemisetso a moralo o ka sehloohong o laolang moarlo wa lefapha le se etswang. Lefapha le itelletse ho phetha mananeo a fapaneng a tla le fetola le ho ntlafatsa ditsamaiso le mesebetsi e fanang ka monyetla wa ho sebeletsa setjhaba ka maemo a hodimo?
Bukana le yona e tla bontsha ka ho arabela potso e boima: Moahi wa Afrika Borwa ke mang kapa ke mang ya lokelang ho ba moahi wa Afrika Borwa Ho a utlwahala, menahano e tjena e tlameha ho kgothaletsa maikutlo haholoholo ha ho nahanwa ka nalane ya naha ya rona, moo re tswang teng , moo re yang teng , mme le ka boikgethollo ba rona le ho fapana ha rona, re ka etsa jwang, ha mmoho le ka motho ka mong hore re fane ka se utlwahalang melemong e fiperweng Molaong wa Motheo, Ka tsela eo, Lefapha; la Ditaba tsa Lehae ke, ebile le tla tswela pele ho tataiswa ke ho hlompha ditlhahiso tse molaong wa motheo tsa hore Afrika Borwa ke ya bohle ba dulang ho yona, e le ntho e le nngwe ho fapaneng ha rona.?
Bukana ena e ka fumanwa le ka Tshivenda, Xitsonga, Isizulu, Sesotho le Afrikaans. Ho ya ka maikutlo a Batho Pele, retshepa hore bukana ena e tla hlahlella Maafrikaborwa ohle basbeletswa ba rona bao re ba hlomphang haholo, ka tsebiso e hlokehang ka lefapha ho ya ka maikutlo a Batho Pele re setjhaba, re hlokomela setjhaba ebile re sebeletsa setjhaba?
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o tiisa tokelo ya ho ba moahi, mme e re ho se ke ha eba le moahi ya hanelwang tokelo ena. Ho ya ka Molao wa Boahi wa Afrika Borwa (Molao wa No ya 88 ya 1995 le Molao wa No ya 17 ya 2004 jwalo ka ha e fetotswe), Boahi ba Afrika Borwa bo ka fumaneha ka tswalo, ho ba lelokong, ho dula Afrika Borwa dilemo tse seng kae, ho boela o ba moahi kapa ho ngodisa.
Molao oo ho hlalositsweng pejana o bile teng ho tloha ka 6 Mphalane 1995. O hlalosa hore moahi wa Afrika Borwa ka tswalo ke mang kapa mang ya hlahetseng Afrika Borwa ya nag le bonyane motswadi a le mong eo e leng moahi wa Afrika Borwa kapa a ahile ka botlalo ha motho eo a tswalwa. Dipehelo tse fapaneng di bile teng pele Molao o ba teng. Mang kapa mang ya angwang ke taba ena a batla hore ho lokiswe boahi ba hae a ikopanye le lafapaha la Ditaba tsa Lehae le haufi le yena kapa kantoro ya meshene ya Afrika Borwa e mafatsehng a ka ntle.
Ngwana ya hlahetseng Afrika Borwa e se moahi wa Afrika Borwa o na le tokelo ya ho ba moahi wa Afrika Borwa ka tswalo ha eba o nkuwa ke moahi wa Afrika Borwa ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1983 (Molao wa 74 wa 1983). A ko hlokomele hore ho tswalwa ha ngwana ho ne ho tlamehile hore ho be ho ngodisitswe ho ya ka Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Lefu wa 1992.
Moahi wa Afrika Borwa ka leloko ke mang kapa mang ya tswetsweng ka ntle ho Afrika Borwa motswading eo e leng moahi wa Afrika Borwa. Ho tswalwa ha hae ho tlamehile hore ho be ho ngodisitswe ho ya ka Molao wa Tswalo le Lefu wa 51 wa 1992.
Mang kapa mang eo e leng moahi wa Afrika Borwa ya nang le tumello ya ho ba moahi o lokelwa ke ho ngolla boahi ba Afrika Borwa ka tlwaetso ka mora dilemo tse hlano ha e se e le moahi wa ka mehla. Mang kapa mang ya nyetseng kapa a nyetswe ke moahi wa Afrika Borwa o lokelwa ke ho tlwaetswa ka dilemo tse pedi ka mora ho ba a fumane boahi ba hae ba ka mehla nakong eo a nyalwang ka yona ke moahi wa Afrika Borwa. Ngwana ya ka tlasa dilemo tse 21 ya nang le tumello ya boahi ba ka mehla ba o lokelwa ke tlwaelo ka mora hore ho ntshuwe tumello.
Taba ena e sebetsa feela ho baahi ba Borithane ba tlileng Afrika Borwa pele ho 2 Loetse 1949, mme ba phetse mona bonyane dilemo tse pedi ka pele pele ho 2 Loetse 1949.
Tokomane e ngodisang tswalo e leng motjheng le Molao wa 1992 wa Tswalo le Lefu. Ha ho ka amohelwa ngwana e se wa hao, taelo ya ho amohela jwalo le yona e tla hlokeha.
Ha eba mokopi o hlaheile pele batswadi ba nyalana, e be batswadi ka bobedi ba lokela ho saena foromo ya ngodiso ya letshwao ya BI-24.
Bopaki ba tswalo ya motswadi wa Afrika Borwa.
Dikopo di ka etswa Ntlong ya Bonnqosa, Boromuwa kapa kantoro ya Ditaba tsa lehae.
Bopaki ba hore ke moahi wa ka mehla.
SAP ka menwana yohle e hatisitsweng - ho fumana pehelo ya sepolesa.
Batswadi kapa bahlokomedi ba nang le boikarabelo ba saene diforomo tsa dikopo ha eba motho ya batlang tlwaetso ke ngwana ya ka tlase ho dilemo tse 16.
Foromo e tlatsitsweng ya BI-9 ka menwana yohle e hatisitsweng le ditshwantsho tsa Boitsebiso tsa boholo ba (45mm length x 35 mm width), di tlameha hore ho fanwe ka tsona mabapi le bana ba fetang dilemo tse 15. Mokgwa ona ke wa ho fumana tokomane ya boitsebiso ka mora tlwaetso e se e amohetswe.
a sebetsa bosoleng ba naha e nngwe , moo e leng moahi teng, ha ba lwantshana le Afrika Borwa.
Le ha ho le jwalo, hona ha ho etsahale ha eba motho eo o ngolletse ho Letona ho boloka boahi ba hae ba Afrika Borwa pele a fumana boahi ba naha e nngwe le/kapa a sebeletsa mabotho a naha e nngwe a hlometseng.
Ho batlisisa hore motho o lahlehetswe ke boahi ba hae ba Afrika Borwa , foromo ya BI-529 e tlameha ho tlatswa le ho iswa dikantorong dife kapa dife tsa Lefapha naheng kapa ka ntle ho naha.
Setifikeiti sa tlwaetso se fumanwe ka bokunyata kapa a fane ka tsebiso eo e seng ya nnete ka boyena.
Ha e le moahi wa naha e nngwe, mme ka nako efe kapa efe, a kile a ahlolelwa dikgwedi tse 12 a ba a ya tjhankaneng naheng efe kapa efe ka molato o ka beng o bile molato le Afrika Borwa.
Mabakeng ana a mabedi ha ho na kopo e bileng teng. Motho ya amehang o fumana lengolo (audi alteram letter). Lengolong leo ho na le karolo moo a ka fanang ka mabaka a hlalosa hobaneng a lokela hore a se ke a hanelwa ho ba moahi. Hona ho tla elwa hloko pele qeto ya ho qetela e etswa.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho ba moahi wa naha e nngwe ho ya ka molao o lokela ho ngolla Letona la Ditaba tsa Lehae hore a tle a boloke boahi ba Afrika Borwa pele a ka fumana boahi ba naha e nngwe.
Diforomo tsa BI-1664 le BI-529 tse tlatsitsweng ka tshwanelo, ka tefello e balletsweng ya R115.00 e a lefuwa.
Dikopo di ka romelwa dikantorong dife kapa dife tsa lefapha tse ka ntle kapa ka hara naha.
Pele Molao wa Boahi wa Afrika Borwa o fetotsweng (Molao wa 17 wa 2004) o ka phethwa, Moafrikaborwa ya neng a sebedisa paseporoto ya naha e nngwe o ne a ka hanelwa boahi ba hae ke Letona la Ditaba tsa Lehae. Se hlokehang mabapi le qhelela thoko mabaka a mang kapa mangolo a tumello a tswang ho Letona e le hore motho a ka sebedisa pasepororto ya naha e nngwe ha e sa hlola e le teng.
Ho ya ka Molao wa Boahi o Fetotsweng wa Afrika Borwa wa 2004, o bileng teng ka 15 Loetse 2004, ke tlolo ya molao jwale hore Moafrikaborwa ya fetang dilemo tse 21 a ka tla Afrika Borwa a sebedisa paseporoto ya naha e nngwe. Ebile, jwale ke tlolo ya molao ya moahi ya jwalo, ha a a le Afrika Borwa, hore a sebedise boahi ba hae ba naha e ka ntle kapa bomorabe ba hae ho ba le monyetla kapa ho qoba boikarabelo kapa mosebetsi.
i kgaotsang Boahi ba Afrika Borwa , kapa ii ka boyena o kgaotsa ho ba Moahi wa Afrika Borwa; a ka ngolla hore a amohelwe hape e le moahi wa Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, motho enwa a kgutlele Afrika Borwa hore a tlo dula ho ya ho ile.
Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu (51 wa 1992), o hlalosa hore ho tswalo ya ngwana e lokela ho behelwa le ho ngodiswa matsatsing a 30 a ho hlaha ha ngwana. Taba ena e tla thusa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho ntlafatsa direkoto tsa lona le ho re thusa ho etsa Rejistara ya Setjhaba e ka tshetjwang ebile e nepahetse naheng. E tla boela e thusa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho thusa ka potlako ka ditshebeletso tse ding tseo e lokelang ho di etsa ha ngwana a se a hodile (ho tea mohlala setifikeiti sa tswalo, bukana ya Boitsebiso jj). Ho ngodisa tswalo, motho o tlameha ho tlatsa foromo ya BI-24 (Tsebiso ya Tswalo), mme a e romele kantorong e haufi le yena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Ha ebe mokopi o mose, a romele kopo ya hae Kantotorong ya Boromuwa kapa ya Bonnqosa e haufi Afrika Borwa.
Ha eba ngwana o hlahetse ka ntle ho Afrika Borwa , mme e mong wa batswadi ke moahi wa Afrika Borwa ha ngwana a hlaha, tswalo eo e ka tsebiswa Kantoro ya Bonnqosa ya Afrika Borwa kapa kantorong ya lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae la Afrika Borwa.
i foromo e tlatsitsweng ya B-24, BI-24/1 kapa ya BI-24/15 le ii foromo e tlatsitsweng ya BI-529 Lethathama la Dipotso la Boahi, iii kgatiso e saenetsweng ya setifikeiti sa ngwana ya hlahetseng ka ntle ho naha ka dintlha tse felletseng tsa batswadi ba ngwana.
Moo e leng hore ngwana ya dilemo tse 15 le wa dilemo tse fetan tseo, kopo ya BI-9 ya tokomane ya boitsebiso e tlameha ho tlatswa.
Ke taba ya bohlokwa hore tsebiso ya tswalo e behelwe ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi. Ha eba ho se e mong wa batswadi ya ka tsebisang, motho, ya ka kotjwang ke batswadi kapa mohlokomedi a ka ba tsebisetsa. Motho eo o tlameha ho ba le lengolo le mo dumellang la batswadi.
Ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba nyalaneng a ka ngodiswa ka fane ya ntate kapa mme kapa ka fane ya ntate le mme ha eba ka bobedi ba bona ba dumela taba ena.
Ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba sa nyalanang o ngodiswa ka fane ya mme. Mme ngwana eo a ka nna a ngodiswa ka fane ya ntate ya mo tswetseng ha ntate eo a dumela hore ke ntatae. Ntate le mme ha mmoho ba dumele ho ngodisa ngwana ka fane ya ntate pontsheng ya mohlanka wa mmuso Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
Le ha Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu (Molao wa 51 wa 1992) o batla hore ho tswalwa ha lesea ho ngodiswe matsatsing a 30 ka mora tswalo, ho na le mabaka a mang a ikgethileng a ka sistisang hore ho ngodiswe ka nako eo. Ditsebsio tsa tswalo ka mora matsatsi a 30 di bitswa dingodiso tse diehileng. Foromo e le nngwe feela e batlwang ha ho le tjena ke foromo ya Tsebiso ya Tswalo (BI-24) e saennweng ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi.
tswalo e tsebisitsweng ka mora dilemo tse 15.
Tswalo e tsebisistsweng ka mora matsatsi a 30, empa pele ho selemo se le sengr tabeng ena , batswadi kapa mohlokomedi o tlameha ho tlatsa foromo ya BI- 24. Batswadi kapa mohlokomedi le yena a fane ka mabaka a hore hobaneng ha tswalo eo e sa ka ya ngodiswa pele ho matsatsi a 30 jwalo ka ha molao o hlalositse.
Ha eba batswadi ha ba a nyalana, mme ba batla ho ngodisa ngwana ka fane ya ntate, ntate a dumele hore ke ntata ngwana sekgeong seo ho fanweng ka sona foromong ya BI-24. Ntate a be teng ha ho ngodiswa tswalo.
Ha eba batswadi ba nyalane, tswalo ya ngwana e tla ngodiswa ka fane ya ntate.
Tefello: Ha ho leshwe letho.
Btswadi kapa mohlokomedi o tlameha ho tlatsa foromo ya BI-24/1. Ba tlameha ho fana ka mabaka hape hobaneng ha tswalo e sa ngodiswa matsatsing a 30 jwalo ka ha molao o boletse. Ditokomane tse thusang tse hlalosang ka botlalo temaneng ya 3.3 di iswe ka nanko e le nngwe.
Ha o ngodisa ho tswalwa hona , foromo ya BI-24/15 e a sebediswa. Ena e latelwa ke foromo ya BI-9 (ho ngolla ha bukana ya boitsebiso) le tokomane e nepahetseng e hlalositsweng ya temana ya 3.3. Batswadi kapa mohlokomedi le bona ba lokela ho fana ka mabaka a hobaneng tswalo e ne e sa ngodiswe matsatsing a 30 jwalo ka ha ho lokela ho ya ka molao.
Kgatiso e saennweng ya ditokomane tsa mme tsa boitsebiso ha eba batswadi ha ba a nyalana, mme ntate ha a dumele hore ke ngwana wa hae. Kapa, ha eba nate ya mo tswetseng a dumela hore ke ngwana wa hae, kgatiso e saennweng ya batswadi ka bobedi ya ditokomane tsa boitsebiso di a hlokeha.
Setifikeiti sa sepetlele kapa tliliniki moo ngwana a tswaletsweng teng.
Kamohelo ya dintlha tsa ngwana jwalo ka ha di ngotswe rejisetareng ya sekolo kapa setifikeiting sa sekolo sa sekolo sa pele seo ngwana a se keneng se saennwe ke Mosuwehlooho.
Setatemente sa motho ya tsebang mokopi ka boyena, mme a ka tiisa ka batswadi ba mokopi. Motho enwa o tla tlameha ho felehetsa mokopi ho ya kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae moo mokopi le motho eo ba tla botswang dipotso teng ka ho fapana.
Ha ho ngodiswa ngwana eo batswadi ba hae le/ kapa bao a tswalanang le bona ba ke keng ba fumanwa, tsebiso ya foromo ya tswalo (BI-24) e tlatswe. Pehelo ya mosebeletsi wa phedisano e a hlokeha, ka ha dintlha tsa ngwana tse tswang ho batswadi di le siyo. Ha ho ngodiswa ngwana, mme ho etsahala ka letsatsi le le leng feela tswalong e tsebisitsweng matsatsing a 30 a balletsweng, setifikeiti se kgutsufaditsweng se ntshuwa mahala ka ntle ho tefello.
A ko hlokomele, ngodiso e diehileng e ka ba ya nako e telele ho ya ka diphuputso tse hlokehang ho batlisisa boitsebiso le maemo a ngwana. Ho qoba ditiehiso, ngodiso ya ngwana e rejisetarwe matsatsing a 30.
Dikopo tsa setifikeiti se sa kgutsufatswang di ka etswa kantorong efe kapa efe ya lebatowa ya Lefapha ka tefello ya R45.00 setifikeiti se le seng. Mosebetsi ona o ka phethahala dibekeng tse 8-12.
Jwalo ka karolo ya boitelo ba ho ntlafatsa boemo bo hodimo ba bophelo ba baahi bohle, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le qadile Letsholo la Aterese ya Khomputa ya Ngodiso ya Ngwana. Hona ho hlokomela hore Lefapha la Ditaba tsa Lehae le kgona ho ngodisa le ho ntsha ditifikeiti tse kgutsifaditsweng tsa tswalo dipetleleng tse kentseng letsoho ka pele ka mora tswalo ya lesea. Mosebetsi ona o tla phethahatswa dipetleleng tse ngata ka moo ho ka kgonwang ka teng.
Hobaneng ha ho hlokeha hore ho kotjwe Tokomane ya Boitsebiso?
Tokomane ya Boitsebiso le tokomane e bontshang ka hore o mang. Ke hore, e bontsha hore ke wena eo o reng o mang. Ho na le dibaka tseo ho tsona o tla batlang ho sebedisa Tokomane ya Boitsebsio ya hao. O tla hloka Tokomane ya Boitsebiso ya hao ho fumana ntlo, thuto, le ditshebeletso tsa tlhokomelo tsa bophelo bo botle, ho ngolla laesense ya ho kganna, ho batla mesebetsi, ho ngodisa ho ngola hlahlobo, ho saenela ditumellano tsa kgwebo kapa tshebdisano kgwebong kapa ho ngodiisetsa letlole la Inshorense la Ho hLoka Mosebetsi. Ditokomane tsa Boitsebiso di ka sebedisetswa ho hape ho kgetha dikgethong tsa setjhaba, porovense le tsa lehae.
Ke mang ya nang le tokelo ya ho ngodisetsa Tokomane ya Boitsebiso?
Tokomane ya Boitsebiso e ntshuwa ho ya ka Karolo ya 25 ya Molao wa Boitsebiso wa 1997. Molao ona o hlalosa hore ha eba o le moahi wa Afrka Borwa kapa o na le tumello ya ho ba moahi wa nako e telele, mme o na le dilemo tse 16 kapa ho feta tseo, o na le tokelo ya ho ngodisetsa Pasa.
Mang kapa mang ya sebeletsang mmuso kapa mokgatlo o theilweng ka molao wa mmuso ka ntle ho Afrika Borwa kapa ya kopilweng ho ya sebeletsa mmuso wa naha e nngwe le yena o na le tokelo ya ho fumana pasa. Le molekane wa hae le yena o na le tokelo eo le/kapa bana.
Kgatiso ya setifikeiti sa tswalo kapa nomoro ya tokomane ya boitsebiso, kapa kgatiso ya boitsebiso ya dinaha tsa TBVC (Transkei, Bophutatswana, Venda le Ciskei) kapa paseporoto, le ditshwantsho tse pedi tsa boholo ba Pasa tse sa tswa nkuwa tsa tshwanang, le kgatiso ya menwana e tla nkuwa ho ngodisa Rejisetareng ya Palo ya Batho foromong ya kopo ya BI-9. Hona ho ka etswa ke mohlanka wa mmuso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae kantorong ya lebatowa kapa ya setereke kapa Kantorong ya Boromuwa ya Ditaba tsa Ka ntle ya Afrika Borwa.
Mohlomong mosadi a kope Tokomane ya Boitsebiso, mme a qalelle ho sebedisa fane efe kapa efe eo a neng a e sebedisa pele eo a neng a tsejwa ka yona, tokomane ya bopaki, ho tea mohlala, setifikeiti sa tswalo kapa setifikeiti sa lenyalo se nehelanwe ho paka e ne e le wa fane eo.
Ha e le hore e ka sebediswa hape, Tokomane ya Boitsebiso e ka fuwa batho bao dipasa tsa bona di lahlehileng, di utswitsweng kapa di senyehileng.
Ha eba o le mohlolohadi, setifikeiti sa lefu sa molekane ya hlokahetseng se a hlokahala.
Ha e le mabapi le ya tlwaeditsweng ho dula ena kapa ya tla dula saruri, setifikeiti sa ho tlwaetswa ho dula naheng kapa setifikeiti sa ho dulela saruri kapa setifikeiti sa tumello se kgomaretswe.
Ha e le mabapi le ngodiso e diehileng teng, a ko bale temana ya 3.2.4 ka hodimo mona.
Kopo ya pele ha e lefellwe. Le ha ho le jwalo, bakopi ba kotjwa ho tla ka ditshwantsho tsa boholo ba Tokomane ya Boitsebiso tse pedi. Ho lefuwa R15 ha tokomane ya boitsebiso e ntshuwa lekgetlo la bobedi.
O ka ngodisa kae ho fumana Tokomane ya Boitsebiso?
Eya Kantorong e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Dintlha tsa Kantoro ya Lebatowa di ngotswe ka morao bukaneng ena. Bakopi ba dinaha tse ding ba ka ngodisetsa ditokomane tsa boitsebiso kantorong ya boromuwa ya Afrika Borwa e haufi kapa Khomesehene e ka Sehloohong ya mose.
Ka mora hoba tokomane ya boitsebiso e ntshuwe, e lebiswa kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae moo mokopi a qadileng ho tlisa kopo ya hae teng. Tokomane ya Boitsebiso e tla romelwa feela atereseng ya posos ya mokopi ha eba mokopi a ka kopa ka mokgwa oo le hore ebe aterese eo ya posos e nepahetse.
Lefapha la Ditaba tsa Lehae le sebetsa ka dikopo tsa Ditokomane tsa Boitsebiso tse ka bang mahareng a milione le dimilione tse tharo ka selemo. Palo ena e kgolo ya dikopo e kopanyetsang le bothata ba diforomo tse tlatsitsweng hampe, di ka baka diphoso dibukeng tsa Ditokomane tsa Boitsebiso. Le ha ho le jwalo, diphoso tse jwalo tokomaneng ya boitsebiso di lokiswa ntle le tefllo. Doromo tsa BI-9 le BI-309, bopaki ba tsebiso e nepahetseng le ditshwantsho tsa boholo bo Tokomaneng ya Boitsebiso tse pedi di iswe Kantorong efe kapa efe ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Paseporoto ke eng?
Pasepororto ke tokomane e hlokehang ha o etela naha e nngwe. Baahi ba Afrika Borwa ba ikemiseditseng ho etela dinaha tse ka ntle ho Afrika Borwa ba tlameha ho ngoldisetsa paseporoto ka nako.
Pasepeororto e tlwaelehileng e na le maqephe a 32, mme paseporoto e kgolo e na le a 64. Mefuta yohle ya dipaseporoto e hlaloswa ka botlalo ka pele tokomaneng ena.
Dikopo tsohle tsa mefuta e fapaneng ya dipaseporoto e tlameha ho tlatswe foromong ya kopo ya BI-73, mme o ikise ka bowena Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae kapa kantorongng ya Boromuwa ya Afrika Borwa, ha eba mokopi a le mose. Mokopi a kgotsofatse mohlanka wa dipaseporoto ka bopaki ba boitsebiso ba hae. Ditshwantsho di tla hlahlojwa ho hlokomela hore ke tsa nnete tsa mokopi. Bakopi ba nang le dilemo tse 16 kapa ho feta moo, ba tla lokela ho hatiswa menwana e le hore di hlahlojwe ho ya ka Rejisetara ya Palo ya Setjhaba.
Ke mang ya nang le tokelo ya ho ngolla Paseporoto?
Ke baahi feela ba Afrika Borwa ba nang le tokelo ya paseporoto ya Afrika Borwa. Mabpi le ba nang le buka e bolou le ba nang le buka ya boitsebiso eo ba e fuweng pele ho 01 Phupu 1986, bakopi ba tlameha ho ngolla Tokomane ya Boitsebiso e nang le metsero. Bakopi ba qalang ho kopa ba ka batla Tokomane ya Boitsebiso le pasepeoroto ha mmoho ka nako e le nngwe. Bakopi ba tsona ka bobedi di ka etswa ka bobedi ka nako e le nngwe, ha eba motho a ke ke a a emela hore a fuwe Tokomane ya Boitsebiso.
Ena ke paseporoto e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ho feta moo. Ho ngolla pasepeoroto ya batho ba baholo ya afrika Borwa, o tla lebellwa ho tlatsa foromo ya BI-73, mme o e tle ka ditshwantsho tse pedi tse ntjha tsa pasepoeroto. Ha eba ha o so hatiswe menwana Rejisetareng ya Palo ya Setjhaba, ho tlamehile hore ho hatiswe menwana yohle ya hao foromong ya Bl-9 ke mohlanka wa mmuso wa Lefpaha la Ditaba tsa Lehae. O boela o lebllwa ho fana ka kgatiso e saennweng ya Tokomane ya Boitsebiso ya hao ya afrika Borwa kapa setifikeiti sa tswalo.
Bakopi ba ka kgetha ho lata dipaseporoto tsa bona kantorong moo ba ngolletseng teng kapa ba fumane pasepeororto ka poso. Ha eba ba ikgethela ho e fumana ka poso, ba tla atlameha ho lefa R21 ya poso ya rejisetara.
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 10.
Paseporoto ya bana e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba ka tlase ho dilemo tse 16. Ha o ngolla paseporoto ya bana, ho tlatswe foromo ya BI-73. Kopo e tlameha hore e felehetswe ke setifikeiti sa tswalo, tumello ya batswadi ha eba ba nyalane le ditshwantsho tsa boholo ba tsa paseporoto tse ntjha tse pedi. Ha eba ngwana o tswetswe pele batswadi ba nyalana, e tla ba mme ya mo tswalang feela eo tumello ya hae e tla amohelwang hore ngwana a fumane paseporoto ena.
E ka latwa moo ho ngolletsweng teng kapa e ka romelwa ho wena ka posos e rejisetarilweng.
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 5.
Paseporoto e Kgolo ke tokomane ya maqephe a 64. E qadile ho sebediswa ka 02 Tshitwe 2002 ho thusa bahalaudi ba etang ka mehla ka tokomane ya bohahlaudi e nang le maqephe e fetang a 32 a paseporototo ya bohahlaudi. Paseporoto ena e tshwana le pasepororto ya Bohalhaudi ka ntle ho hore e na le palo e balehang habe di ya maqephe hore e fane ka maqephe a visa a mang. Tefeloo e balletsweng ke e iphethang habedi ho ya paseporoto ya bohahlaudi.
Nako ya tshebetso: Dibeke tse tsheletseng.
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 10.
Paseporoto ya nakwana e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba tlamehang ho nka leeto ka tshohanyetso ka lebaka le utlwahahalang, mme ba ke ke ba emela dipaseporoto tsa bona hore di fumanehe ka tshebetso e tlwaelehileng. Paseporoto ya nakwana e ntshuwa feela ha e le hore paseporoto ya saruri e ngolletswe. Ho ngolla paseporoto ya nakwana, bakopi ba lebellwa ho tlatsa foromo ya BI-73.
Ditjeho: R75. Ho lefellwe hape R12 ya ho fekesa kgatiso ya menwana ha e le hore ho batlwa bopaki ka pele.
mokgwa wa tlokotsi wa ho kgutlela Afrika Borwa.
Hore o tle o ngolle paseporoto ya Tlokotsi, tlatsa diforomo tsa BI-73 ka botlalo. Hapehape, le lengolo le hlalosang hore hobaneng ha o hloka paseporoto ya tlokotsi le lona le romelwe le tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa kapa setifikeiti sa tswalo. Ha eba paseporoto ya pele ya Afrika Borwa e ile ya utsuwa kapa ya lahleha, jwale ho tla hlokwa pehelo ya sepolesa e le hore kopo e tle e sebetswe.
Paseporoto ena e ka sebetsa ka dkgwedi tse 9, empa e ka sebediswa leetong le le leng feela naheng eo ho uwang kapa ho tsuwang ho yona Afrika Borwa.
Paseporoto ya Semmuso e fuwa mohlanka wa mmuso ya sebeletsang diintsitushene tsa mmuso ya tlamehang ho nka leeto la semmuso. Dikopo tsohle di lokela ho tlatswa foromong ya kopo ya BI-73 , mme e lokela ho romelwa ke mohlanka wa mmuso ka boyena Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae kapa Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa, ha eba a le mose ho mawatle. Kopo e romelwe le lengolo le tswang institusheneng moo mokopi a sebetsang teng ka mabaka a hlalosang hore hobaneng mokopi a batla paseporoto ya semmuso.
Nako ya tshebetso: Ho tloha bekeng e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng ho tla tswa feela ka bohlokwa ba leeto.
Ditjeho: Ha ho leshwe letho.
Paseporoto ena e ka sebetsa ka dilemo tse 5.
Ha eba pasepororto ya Afrika Borwa e ka lahlea kapa ya utsuwa, ditjeho tsa ho fumana e nngwe di eketseha habedi ho ya ka tseo o di lefelletseng pele. Kopo e tsamaelane le ditshwantsho tsa boholo ba tsa paseporoto tse ntjha tse pedi.
Nako ya tshebetso: Ho tloha bekeng e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng ho tla tswa feela ka bohlokwa ba leeto.
Paseporoto e fedileng ke eo nako ya yona ya ho sebediswa e fedileng. Hang ha ho etsahala jwalo, o ke ke wa hlola o ka e sebedisa hape le ha pasepororto e sa tlala. E ka mpa yaba o tlameha ho ngolla e nngwe e ntjha. Ha eba pasepororto ya hao e tlala pele nako ya yona ya ho sebediswa e fela, o tlameha ho ngolla e ntjha.
Hona ho tla tswa ka hore paseporoto eo o e ngollang ke ya mofuta ofe.
Paseporoto ya Motho e moholo R155.
Paseporoto ya Ngwana R115.
Tokomane ya Ho Hahlaula R 115.
Paseporoto ya Nakwana R75.
Paseporoto e Kgolo R310.
E kgolo (e lahlehile) R620.
Ya Batho ba baholo (e lahlehile) R310.
E fedile maqephe R120.
Lefapha le a tseba hore ho na le mabaka a utlwahalang ao ka ona motho a ka batlang ho fetola direkoto tsa hae. Ho na le mefuta e fapaneng ya diphetoho eo baahi ba Afrika Borwa ba ka di etsang ka direkoto tsa bona. Mefuta e fapaneng ya diphetoho e bang teng rejisetareng ya tswalo ya motho ka boyena e ngotswe ka lenane ka tlase mona.
EL: Moahi wa Afrika Borwa ya nang le dilemo tse 18 kapa ho feta moo, o nkuwa e le motho e meoholo ho ya ka diphetoho tse entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu, 1992.
Karolo ya 11 ya Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu wa ngwana ya tswetsweng pele batswadi ba nyalana e tla fetolwa. Bana ke batswadi ba mo tswetseng ba nwana eo ka bobedi ka mora ngodiso ya tswalo ya ngwana, jwalo ka ha eka ba nyalane ka nako eo a ngwana a neng a tswalwa ka yona.
Ditjheho: Ha ho leshwe letho.
Ngodiso ya Tswalo le yona e na le monyetla wa ho ngodisa ho tswalwa hape ha eba batswadi ba nyalane ka lenyalo la Sesotho (ho ntsha bohadi) ka mora hore tswalo ya ngwana e ngodiswe. Ditokomane tsa phetoho ena ke: tsebiso ya tswalo e ntjha, afidaviti ya batswadi ba tswetseng ngwana le setifikeiti sa lenyalo.
Moo e leng hore motswadi kapa btswadi ka bobedi ba hlokahetse, eo a tswalanang le mofu ka molao a romele setifikeiti sa mofu/ bafu ha mmoho le afidaviti.
Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Lefu o dumella ho amohelwa ha ntata ngwana ya mo tswalang (ya sa nyalang mma ngwana ya tswetseng ngwana) wa ngwana ya tswetsweng pele ba nyalana, mme eo e leng hore o se a ngodisitswe ka tswalo ka ntle ho dintlha tsa ntatae.
Ha eba mme a dumela kamohelo ena, yena le ntata ngwana ba tlameha ho tlatsa foromo e ntjha (BI-1682). Moo e leng hore sefane sa ngwana se tlameha ho fetolwa le sona ho ba sa ntate, foromo e nngwe (BI 193) e tlameha ho tlatswa. Ha eba mma ngwana a hana ho dumela, ntata ngwana o tlameha ho ya Lekgotleng le Phahameng hore a fumane taelo e tla laola seo mma ngwana a se batlang. Taelo eo e beilweng e lokela ho kgomathisetswa foromong e tlatsitsweng ya (BI 1682).
Ditjeho: Tefello e balletsweng mabapi le tshebeletso ena ke R 48.
Ha eba mabitso mabitso ha a a ngodiswa hohang feela setifikeiting sa hae sa tswalo, motho eo a ka kopa lebitso la hae kapa sefane hore se ngolwe setifikeiting. Hona ho bitswa tlhaloso ya ngodiso ya tswalo. Molao o dumella taba ena ha eba motho eo o ile a ngodiswa pele ho Molao o e ba teng. Ho tea mohlala, Karolo ya 23ya Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu , wa 1992 o lebisa haholoholo ho mofalli wa Moindia eo, pele ho 1996, a neng a sa dumellwa ho ngodisa ka molao ka lebitso la hae le ka sefane sa hae. Ka lebaka lena, boholo ba direjisetara tsa bona di ne di e na le mabitso feela e seng difane.
kgatiso ya setifikeiti sa lenyalo ha eba se hlokeha.
Ditjheho: Tshebeletso ena ha e lefellwe.
Molao o dumella mang kapa mang ho fetola lebitso la hae leo a ngodisitsweng ka lona.
i foromo ya kopo ya BI-85 kapa kopo e ngotsweng, le ii bopaki ba tefello ba tjhelete e hlokwang.
Ho lefellwe R80 ho mokopi ya ka tlasa dilemo tse 18 kapa ya moholo ho feta dilemo tseo.
i ngwana o tswetswe pele batswwadi ba nyalana, mme mme a a nyalwa hape ke motho eo e seng ntata ngwana eo ka tswalo.
Bopaki ba tefello ba R50 tse hlokwang ii mma ngwana o tla qala ho sebedisa sefane seo a neng a se sebdisa pele mohlomong ha e le hore ntata ngwana o hlokahetse, kapa o nyetswe hape ka mora lenyalo la hae ho ntata ngwana le qhalwe.
Foromo ya kopo?
Bopaki ba tefello ba R50 e hlokwang iii ngwana o tswetswe pele batswadi ba nyalana, mme lebitso la hae le ile la ngodiswa ka sefane sa ntate ya mo tswalang. Sefane sa ngwana se ka fetolelwa ho sa mme.
Bopaki ba tefello ya R50 bo hlokeha iv ngwana ya tlhokomelong ya mohlokomedi a ka fetolela sefane sa hae ho sa mohlokomedi.
Molao o dumella motho ofe kapa ofe ho nka sefane se fapaneng le sefane se ngotsweng rejisetareng ya palo ya batho kapa sefane seo a fumaneng bodulo Afrika Borwa. Tefello e balletsweng ke R238.
forormo ya kopo (BI-196), kgoeletso e nang le mabaka a felletseng hobaneng ho nkilwe sefane se seng, tumello ya mosadi foromong ya BI-196 ha eba e sebetsa, lengolo la lenyalo ha eba le sebetsa, kgatiso ya setifikeiti sa tswalo, ka nomoro ya pele, ha eba ho tswalwa ho ile ha ngodiswa kapa nomoro ya boitsebiso.
bopaki ba tefello ha eba ho hlkeha R260.
formo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng bopaki ba letsatsi la tswalo le nepahetseng ho tea mohlala, lengolo la sepetlele, setifikeiti sa kena tlong, karete ya tliliniki, lengolo la ho kena sekolo sa pele, setifikeiti sa kolobetso ha eba o kolobeditswe pele ho dilemo tse hlano. Ha ho se na tokomane ya bopaki ba dilemo tsa ngwana, ngaka kapa moemedi wa lebatowa a lekanyetse letsatsi la tswalo ka ho ngola kgothaletso e romelwang le kopo bopaki ba tefello ya R48 ha e hlokeha.
foromo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng, bopaki ba tokomane ya tlhaloso ya bong bo nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
foromo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng bopaki ba tokomane ya sebaka sa tswalo se nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
forormo ya kopo (BI 526) kapa kopo e ngotsweng, bopaki ba tokomane ba dintlha tsa batswadi tse nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Mang kapa mang ya fetotseng bong ka opereishene kapa ka meriana e bakang hore bong ba hae bo fetohe a ka ngolla ho Mookamedikakaretso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae hore a fetole bong ba hae.
foromo ya kopo (BI-526), pehelo ka ngaka ya faneng ka moriana kapa a sebetsa mokopi kapa ngaka ya nang le tsebo e telele mesebetsing le tshebedisong ya emriana e jwalo pehelo ka ngaka e nngwe e hlahlobileng mokopi ho lekola boemo ba bong ba hae bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Ha o fetola bong ba mokopi, Nomoro ya Boitsebiso le yona e fetoha feel a jwalo. Kopo ya tokomane ya boitsebiso e ntjha e lokela ho etswa ka lebaka leo ka pele ka ha phetoolo e amohetswe.
Ha eba motho ya amehang le yena a fetola lebitso la hae, ho lefuwe R75 e nngwe hape.
Ha eba tswalo ya ngwana e ngodisitswe ka batswadi bao e seng ba mo tswetseng, diafidavidi tse tswang batswading ba mo tswetseng le batswadi bao e seng ba nnete di romelwe ha mmo le lebaka la ho ngodisa ka mokgwa oo e seng wa nnete. Ha eba tse ding tsa ditokomane tsena ha di yo, jwale ho tla hlokeha taelo ya lekgotla la molao. Tefello e balletsweng ke R48?
Ha eba ngwana o nkuwe ke batswadi bao e seng ba hae, batswadi ba jwalo ba ka tsebisa ka molao Mookamedikakarteso (MD) wa Lefpaha la Ditaba tsa Lehae ka taba ena.
kopo e ngotsweng ya batswadi ba nkileng ngwana eo e seng wa bona kgatiso e saennweng ya taelo ya ho nka ngwana o se motswadi wa hae.
bopaki ba tefello ya R48 e a hlokeha.
Dikopo tsa ho nyadisa di etswe Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae e haufi le wena ha eba o ngolla o le Afrika Borwa Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa kapa Khonsuleiti ha eba o ngodisa o le ka ntle ho Afrika Borwa. Foromo e hlokehang mabapi le hona ke BI-130. Ditefello tse hlokwang ke R43,00 mabapi le setifikeiti se sa kgutsifatswang le R8,00 mabapi le setifikeiti se kgiutsufaditsweng.
Ho nyadiswa le ho ngodiswa ha manyalo ka molao ho laolwa ke Molao wa Lenyalo (Molao wa No. ya 25 ya 1961).
Ke mamng ya ka ngodisang lenyalo la hao?
Lenyalao le ka ngodiswa kae?
Lenyalo le ka tshwarelwa ngodiswa kerekeng, moaho o sebediswang e le sebaka sa bodumedi, kantoro ya setjhaba, kapa ntlong ya mang le mang feela. Ha eba ho e na le ya tla nyadiswa, mme a tswile kotsi e kgolo kapa a kula, lenyalo leo le ka tshwarelwa sepeltlele.
Ke mang ya tlamehang ho ba teng lenyalong leo?
Lenyalo le tshwarelwe moo batho ba nyalanang ba leng teng, dipaki tse pedi tse phelang hantle le mohlanka wa mmuso.
Ditokomane tsa boitsebiso tse ntsuwang ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Boitsebiso, wa 1998 kapa ha eba ha ba na ditokomane tsa boitsebiso, afidaviti e tlatsitsweng foromong ya BI-31. B tswqang ka ntle ho Afrika Borwa ha ba nyalana le Baafrikaborwa ba lebeletswe ho hlahisa dipaseporoto tsa bona tsa nnete ha mmoho le foromo ya BI-31 (Kgoeletso mabapi le sepheo sa lenyalo).
Mabapi le bana ba banyenyane tumello e ngotsweng ya batswadi ka bobedi kapa mohlokomedi ya molaong e tliswe le yona foromong e balletsweng ya BI-32. Ha eba motswadi eo tumello ya hae e hlokwa a sa fumanwe kapa a sa kgone ho ya ka molao ho fana ka tumello, eo ya monyenyane o tlameha ho ngolla ho Khomeshenara wa Thekolohelo ya Bana hore a fumane tumello eo. Ha eba batswadi ba eo e monyenyane le Khomeshenara ba hana ho fana ka tumello ya lenyalo, eo e monyenyane a ka ngolla a kopa tumello ya Moahlodi wa Lekgotla le Phahameng ya sebaka seo a phelang ho sona. Bahsnyana ba ka tlase ho dilemo tse 18 le banana ba dilemo tse ka tlase ho 15 ba hloka, ho kenyeletswa tumello hape ya batswadi ba bona kapa mohlokomedi ka molao, tumello ya Letona La Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Ho ya ka Molao wa Lenyalo, motho e monyenyane ke motho ya ka tlase ho dilemo tse 21 ya so kang a nyalwa, mme eo lenyalo la hae le ileng la thubeha ka lebaka la lenyalo kapa ho hlalwa.
Ha eba a hladilwe, ho fanwe ka taelo ya ho qetela ya tlhalo kapa ha eba o ile a hlalwa naheng e kan tle ho Afrika Borwa, mme a sa kgone ho fumana taelo ya tlhalo, ho hlokeha afidaviti ya motho eo. Ho hlaloswe hore o hladilwe ka molao, mme ho kenyeletswe le lebitso la lekgotla la molao le faneng ka tlhalo le mohla oo ho hladilweng ka ona.
Ha eba ke mohlolohadi, setifikeiti sa mofu se sebediswe. Ha eba setifikeiti ha se yo, motho eo o lokela ho tlisa afidaviti e tiisang lefu la molekane ya hlokahetseng, e hlalosang lebitso la mofu le mohla a hlokahetseng.
Ha ho se ho ngodisitswe lenyalo, batho ba babedi ba nyalanang, dipaki tse pedi le mohlanka wa mmuso wa manyalo ba saene rejisetara ya lenyalo. Ho ka fanwa ka setifikeiti se ngotsweng ka letsoho se sa lefellweng hang feela ha lenyalo le ngodiswa. Mohlanka wa mmuso wa manyalo o tla fana ka rejisetara ya lenyalo ho ngodiseng Rejisetara ya Palo ya Setjhaba kantorong ya lebatowa ya Lefapha ya moo a dulang teng.
Nako ya ho sebetswa: Setifikeiti sa lenyalo se sekgutshwane se ngotsweng se ntshuwa ka nako ya lenyalo, ka ntle ho tumello. Setifikeiti se sekgutshwane se ka sebetswa ka matsatsi a 21 a mosebetsi.
Ditjeho: Dintlha tsohle le dipotsiso tse tsamaelanang le tsona mabapi le disetifikeiti tsa lenyalo di lokela ho tlatswa foromong ya BI-130.
Setifikeiti se kgutsufaditsweng (se ngotsweng ka khomputa) ke R10.
Na o a tseba?
Lefapha la Ditaba tsa Lehae le kopile Khomeshene ya Molao ya Afrika Borwa ka 1996 hore e etse diphuputso tse matla mabapi le mefuta e fapaneng ya manyalo Afrika Borwa. Ka lebaka la phuputso eo, Molao wa Manyalo a Kamohelo ya Setho (Molao wa No. ya 120 ya 1998) o ile wa fetiswa, mme wa sebediswa ka 15 Tshitwe 2000.
Na o a tseba hore lenyalo la hao la Setho le amohetswe jwalo ka la lenyalo la kahisano ho ya ka diphelo tsa Molao wa Kamohelo ya Manyalo a Setho Lenyalo la setho le ngodiswa ke motho ya tshepetsweng mosebetsi oo. Enwa e ka ba morena kapa mohlanka wa mmuso ya ngodisitsweng. Motho enwa ya ngodisitsweng a be le tiiso e ngotsweng ya hore ke mongodisi ya nang le bolaodi ba ho nyadisa. Ka bobedi ba nyalanang ba felehetswe ke baemedi ba ba babedi, ho ka molemo ha e ka ba a le mong ho tswa malapeng ka bobedi. Batho bohle ba nyetseng ka setho ba kgothaletswa ho ba teng le bona, mme ba ngodise manyalo a bona le Lefapha la Ditaba tsa Lehae?
Ha motho a hlokahala, molao Molao wa Ngoddiso ya Lenyalo le Lefu, wa 1992 o hloka hore ebe lefu la motho eo le ile la tsebiswa ho motho ya lokelang ho amohela ditsebiso.
Basebetsi ba dipolokelo tsa bafu ba kgethilweng le ho amohelwa ho ya ka dipehelo tsa molao.
Ha eba moahi wa Afrika Borwa kapa motho ya nang le tokelo ya ho dulela saruri Afrika Borwa a hlokahalla ka ntle ho Afrika Borwa, lefula motho eo le behelwe Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa. Kgatiso e saennweng ya setifikeiti sa lefu se fumanweng naheng e nngwe eo a hlokahaletseng ho yona le sona se tliswe.
Ha eba mofu a bolokilwe Afrika Borwa, Kantoro ya Boromuwa e tla thusa ka dihlophiso tse mabapi le ho fallisetswa ha setopo ho tla Afrika Borwa.
Tsebiso ya lefu e tla etswa ka ho tlatsa foromo ya BI-1663. Foromo ena e na le dikarolo tse fapaneng tse lokelang ho tlatswa ke batho ba fapaneng ba sebetsanang le ho tsebisa. Batho ba sebetsaang le taba eo ke: motho ya tsebisang ka lefu, ngaka e saenelang lefu le motho ya nang le tokelo ya ho amohela tsebiso ya lefu jwalo ka ha ho tsebisitswe pejana.
Ha eba ha ho na ngaka e teng, ho tea mohlala, dibakeng tse ka ntle tsa mahaeng, morena e tla ba yena ya tla tlatsa Pehelo ya Lefu (foromo ya BI-1680). Pehelo ya Lefu e ka tlatswa feela ke motho eo Lefapha le mo kgethileng hore a sebetse ka tsela eo. Motho eo o tla nehelana ka foromo ya BI-1680 ho mohlanka wa mmuso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ya nang le tokelo ya ho amohela ditsebiso tse jwalo. Mohlanka wa mmuso o tla tlatsa foromo ya BI-1663.
Mohato wa 1: Ngaka e hlahlobileng setopo e tlameha ho tlatsa foromo ya Tsebiso ya Lefu/ le Ngwana ya Hlahileng a Hlokahetse ya (BI-1663). Ho na le karolo foromong ena eo ngaka e e tlatsang, mme e e kwallang ka hare emfolopong. Boholo ba foromo e tlatsitsweng bo kgomathisetswa emfolopong e kwetsweng, mme ya fuwa motho ya tswalanang haholo le mofu kapa mosebeletsi wa polokelo ya bafu ya hlophisitseng lefu. Emfolopo e kwetsweng e ka bulwa feela ke mohlanka wa mmuso ya nang le tokelo wa Lefapaha la Ditaba tsa Lehae.
Mohato wa 2: Eo ho tswalanwang le yena, o lokela ho nka ditokomane a di ise ho mosebeletsi wa polokelo ya bafu bao ba ba kgethileng ho hlophisa tsa lefu. Ha eba mosebeletsi wa polokelo ya bafu a na le tokelo ya ho amohela ditsebiso tsa lefu, o tla tlatsa dikarolo tse loketseng, mme a fane ka taelo ya ho boloka (BI-14). Mosebeletsi wa polokelo ya bafu ebe jwale o tla isa diforomo tse tlatsitsweng Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae le haufi hore le ngodisetswe lefu. Lefapha la Ditaba tsa Lehae ebe jwale le tla ntsha setifikeiti sa lefu le se fa eo a tswalanng le yena.
Ha eba mosebeletsi wa polokelo ya bafu a na le tokelo ho ya ka dipehelo tsa molao ho amohela ditsebiso tsa lefu, ebe jwale o tlameha ho fana ka ditokomane Lefapheng la Ditaba tsa Lehae kapa Sepoleseng e le hore ho tle ho fanwe ka taelo ya lefu le ditokomane tsa ngodiso di tle di sebetswe.
Dikopo tsa disetifikeiti tsa lefu di tlameha hore di etswa Dikantorong tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ha eba o ngolla o le Afrika Borwa. Ha eba o le mose, dikopo di etswe Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa.
Setifikeiti sa lefu se kgutsufaditsweng se fumaneha ka ntle ho ho lefellwa ha ho ngodiswa lefu ka letsatsi leo lefu le etsahetseng ka lona. Dintlha tse ding tsohle di hloka ho tlatsuwa ha foromo ya BI-132 le tefello ya R10-00 . Setifikeiti se felletseng sa leful (se kgutsufaditsweng) le sona se a fumaneha ka R45-00.
Ke taba ya bohlokwa ho hlokomela hore ho ya ka dipehelo tsa Molao (Molao wa Lefu le Tswalo, wa 1992) ho se ke ha eba le lepato le bang teng ka ntle ha eba le dumelletswe ka molao. Tumello ena e fumanwa ka taelo ya lepato. Bahlanka ba Mmuso ba Lefapha la Ditaba tsa Lehae, Basebetsi ba Ditshebeletso tsa Sepolelsa tsa Afrika Borwa le basbetsi ba polokelo ya ditopo ba molaong ba dumelletswe ho tlatsa direjisetara tsa lefu le ho fana ka ditaelo tsa lepato.
Motho ya ka ngodiswang ka phoso hore o hlokahetse Rejisetareng ya Palo ya Setjhaba a behele taba eo ho Lefapaha la Ditaba tsa Lehae le haufi le yena hore ho fuputswe ka pele le ho lokisa boemo boo. Ho tla hlokwa kgatiso ya menwana yohle le ditshwantsho foromong ya Bi-9 mabapi le taba ena.
Re atlehile haholo boitekong ba ho kgothaletsa tshepo menahanong dipelong tsa dimilione tsa setjhaba sa rona. Re kena selekaneng seo re tla ahang setjhaba seo Maafrikaborwa ohle, ba bastho le ba basweu ba tla itetang difuba, ba sa tshabe letho dipelong tsa bona, ba na le tshepo ka tokelo tsa bona tse tsitsitseng bothong ba bona setjhaba sa mefuta e mengata sa kgotso se bile se e na le kgotso le lefatshe.?
Ha eba o batla ho hlahisa maikutlo a hao ka moo o thusitsweng ka teng Lefapheng la Ditaba tsa Lehae kapa o batla ho botsa, o dumelletswe ho teanya le basebeletsi ba mmuso ka ho sebedisa dintlha tseo ho fanweng ka tsona.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSEBISO KORANTENG YA.txt</fn>
Ka ho ya ka matla ao ke a fuwang ke karolo ya 11 ya Molao wa Diprofeshene tsa Saense ya Tlhaho, 1993 (Molao wa 106 wa 1993), Letona la Bonono, Setho, Saense le Theknoloji le tjhaetse monwana diphetolo tse boletsweng mona ka tlase Shejulung ya 1 ya Molao ona oo ho buuwang ka ona o ileng wa phatlalatswa ka Tsebiso ya Mmuso ya nomoro ya 1202 Koranteng ya Mmuso ya nomoro ya 14945 ya la 16 Phupu 1993 mme wa ntlafatswa ka Tsebiso ya Mmuso ya nomoro ya R1243 Koranteng ya Mmuso ya nomoro ya 15854 ka la 15 Phupu 1994 le Tsebiso ya Mmuso ya nomoro ya R1270 ya Koranta ya Mmuso ya nomoro ya 16619 ya la 25 Phato 1995.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSEBISO YA 2001.txt</fn>
Ka ho ya ka matla ao ke a fuwang ke karolo ya 14 ya Molao wa Ditshebeletso tsa Taolo ya Difofane, wa 1993, nna Abdulah Mohamed Omar, Letona la Dipalangwang, ka hona ke fetola Melawana e Laolang Tsamaiso ya Komiti ya Taolo ka ho ya ka karolo ya 11 ya Molao wa Khampani ya Boemafofane (e phatlaladitsweng e le Tsebiso ya Nomoro ya 639 ya 1994 Koranteng ya Mmuso ya Nomoro ya 15805), jwalo ka ha ho boletswe shejulung e mabapi le hona, mme Melawana ena e tla kena tshebetsong ho tloha ka la 1 Pherekgong 2002.
Melawaneng ena, ntle le ha e be ho hlalositswe ka tsela e nngwe e fapaneng, lentswe kapa polelwana efe kapa efe e fuweng tlhaloso ka ho ya ka Melao?
Khampani e bolela Khampani ya Afrika Borwa e Kwalletsweng ya Boemafofane le Khampani e Kwalletsweng ya Ditshebeletso tsa Taolo ya Difofane, tse theilweng ka ho ya ka Molao wa Nomoro ya 44 wa 1993 le Molao wa Nomoro ya 45 wa 1993 ka tatellano?
Modulasetulo o tla okamela dikopano tsohle tsa Komiti.
Motlatsi wa Modulasetulo o tla kgethwa ke Letona hore a phethe mesebetsi ya modulasetulo ha modulasetulo a le siyo, mme ha bobedi ba bona ba le siyo, Letona le tla kgetha setho sa Komiti ho tshwara marapo a Modulasetulo bakeng sa mesebetsi ya Komiti le ho phethahatsa matla a yona.
Dikopano tsa Komiti di tla tshwarwa ka nako, le sebakeng se tla behwa ke Modulasetulo, mme di ka kgefutsa nako le nako.
Modulasetulo o tla hlwaya hore na ho ka bitswa kopano mabapi le taba e itseng.
Khoramo bakeng sa dikopano tsa Komiti e tla ba ditho tse tharo.
Qeto ya bongata ba ditho tsa Komiti tse leng teng kopanong eo e nang le khoramo e tla bopa qeto ya Komiti, mme ha ho ka etseha hore divoutu di lekane, Modulasetulo o tla ba le voutu e kgaolang kgang ka hodima voutu ya bileng le yona pejana ya ho tshehetsa qeto.
Komiti ha e sebedisa boikgethelo ba yona tabeng efe kapa efe, e ka batla hore ditaba tsohle kapa karolo e itseng ya tsona e ngolwe fatshe.
ema le motho e mong ho ba mmoho tsekisanong kapa kopong efe kapa efe; mme e ka bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki ka pela Komiti kapa ka pela setho sefe kapa sefe sa yona, kapa a hlahise buka, tokomane efe kapa efe e ka bang molemo dipotsisong, diphuputsong kapa ditabeng dife kapa dife tseo Komiti e tshwarahaneng le tsona.
Ho ka romelwa samane e laelang hore motho ofe kapa ofe a hlahelle ka pele ho Komiti kapa a hlahise buka kapa tokomane efe kapa efe ka ntho e nngwe e itseng, mme hona ho etsuwe ka tsela e tla laelwa ke Komiti e be saenwa ke Modulasetulo.
Modulasetulo wa Komiti kapa motho ya okametseng mamelo a ka kopa ho buisana le batho ba amehang neng kapa neng, mme hona a ho etsa ka sepheo sa ho fokotsa dintho tse ka bakang bothata le ho etsa hore ditaba di se ke tsa ba telele.
Komiti e ka phatlalatsa kapa ya laela hore ho phatlalatswe tsebiso, kapa kgweletso efe kapa efe Koranteng ya Mmuso, kapa ka mokgwa ofe kapa ofe wa diphatlalatsi tsa ditaba.
Dikgokahano tse ding tsohle tse sa lateleng ditlhophiso tse itseng tse tlwaelehileng, di tshwanelwa ho ngolwa fatshe kapa di tiisetswe ka ho ngolwa fatshe ka potlako.
mabitso a motho e mong le e mong eo ho batlwang thuso kgahlanong le yena, kapa ya nang le kgahleho ya bohlokwa hape e tobileng tabeng eo e tsekwang; le kgutsufatso ya mabaka a tseko ka nngwe.
Dikhopi tse tsheletseng tsa kopo di tla romelwa Komiting, mme dikhopi tse pedi di nehwe motho eo ho batlwang thuso kgahlanong le yena, kapa ya nang le kgahleho ya bohlokwa hape e tobileng jwalo ka ha ho boletswe.
E mong le e mong ya amehang, e tla re matsatsing a leshome le metso e mene a ho sebetsa, a romele kgutsufatso ya karabo efe kapa efe le/kapa tseko e kgahlanong le e entsweng e mabapi le taba ena.
karabo ya tletlebo le tshusumetso ya yona le/kapa ho hanwa ha tletlebo eo; le dintlha tse mabapi le tseko e kgahlanong le e entsweng pejana.
Modulasetulo o tla beha nako le sebaka sa mamelo le/kapa hlahlobo, mme tsebiso ya yona e tla fuwa batho bohle ba nang le kgahleho tabeng eo.
Moo ho amehang motho a le mong feela, kappa ho se na kganyetso ya kopo, Komiti e ka tswela pele ho sebetsana le taba eo ka tsela e tshwanetseng.
Motho ofe kapa ofe ya fanang ka tsebiso Komiting a ka kotjwa ho etsa jwalo ka tlasa kano le tiiso.
Tabeng efe kapa efe e ka pela Komiti, boemedi ba molao bo ka dumellwa ka ho ya ka boikgethelo ba Komiti.
Tletlebong e entsweng tlasa karolo ya 14 ya Molao wa Nomoro ya 44 wa 1993 kapa karolo ya 13 ya Molao wa Nomoro ya 45 wa 1993, ditlhophiso tsa dikarolo tseo di tla sebetsa di sa akaretse Melawana ena, eo le yona e tla tswela pele ho sebetsa ka tsela e ke keng ya thulana le dikarolo tsena.
Komiti, pele e ka etsa taelo efe kapa efe tlasa karolo ya 14 (a) ya Molao wa Nomoro ya 44 ya 1993, kapa karolo ya 13 (c) ya Molao wa Nomoro ya 45 wa 1993, e tla tsebisa khampani e amahang ka maikemisetso a yona a ho etsa jwalo.
Ha e se e fumane tletlebo, Komiti e tla fuputsa ka yona, e bolelle bao ba nang le kgahleho tabeng eo letsatsi le lebelletsweng la ho phetha phuputso.
Ha Komiti e hloka dintlha tse ding hape ka nako ya diphuputso, tsona ho tshwanetswe hore ho fanwe ka tsona matsatsing a leshome le metso e mene ho tloha nakong eo di kopilweng ka yona.
Ha Komiti e bona ho hlokeha hore ho be le hlahlobo, bohle ba amehang ba tla tsebiswa ka nako le sebaka sa hlahlobo.
Qeto e entsweng ke Komiti mabapi le tletlebo e tla ngolwa fatshe e be e romelwa bohle ba amehang.
Ha ho ka ba le kopo e potlakileng, Modulasetulo o tla etsa qeto ya hore na kopo e lokelwa ho sebetswa ka potlako, mme hona moo o tla be a se a beha le mokgwa o tshwanetseng wa tshebetso.
Motho ofe kapa ofe ya hlolehang ho latela taelo e samaneng kapa taelo e nngwe e entsweng ka ho ya ka melawana ena o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao.
Motho ofe kapa ofe ya tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao ka ho ya ka melawana ena, o tla fuwa kotlo ya tefiso kapa a kwallwe tjhankaneng nako e ke keng ya feta dikgwedi tse tsheletseng, kapa a fuwe kotlo tsena tse pedi tsa tefiso le ho kwallwa tjhankaneng.
Motho ofe kapa ofe ya tshwarehileng hampe ka ho hloleha ha Khampani ya Boemafofane kapa Khampani ya Ditsheletso tsa Taolo ya Difofane ho latela ditlhophiso dife kapa dife tsa dikarolo tsa 52, 121 kapa 1212 tsa Melao e tshwanetseng, a ka romela tletlebo komiting ka foromo ena.
Dikhopi tse tsheletseng tsa kopo di lokela ho romelwa atereseng e boletsweng mona ka hodimo.
Dikhopi tse pedi tsa tsona di romelwe ho e mong le e mong wa bao ho batlwang thuso kgahlanong le bona, ekasitana le ho e mong le e mong ya nang le kgahleho e kgolo ka ho toba tabeng ena.
Sefane le sehlooho sa motho ya tletlebang, kapa lebitso la khampani ?
Nomoro ya mohala..
Aterese ya Kgwebo..
Aterese ya Bodulo.
Ke phatlalatsa hore dintlha tse mona ka hodimo, ka ho ya ka tsebo ya ka yohle, ke nnete hape di lokile.
Mabaka a tletlebo a ka romelwa ka sehlomathiso foromong ena.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSEBISO YA 2006.txt</fn>
Nna, Ngaka Z Pallo Jordan, Letona la tsa Bonono le Setso, mona ke tsebisa ka ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 6 le 6 ya Molao wa Polokelo ya Dingolwa tsa Semolao, 1997 (Molao wa Nomoro ya 54 wa 1997), hore Laeborari ya Setjhaba ya Phuthaditjhaba mona e kgethwa ho ba Sebaka sa Semmuso sa Polokelo ya Diphatlalatso ka la 1 Hlakola 2006.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSEBISO YA MMUSO.txt</fn>
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru, tlasa matla ao le fuweng ona ke dikarolo tsa 26 (a) le (g), le karolo ya 116 e balwa mmoho le karolo ya 21(k) ya Molao wa Naha wa Metsi, 1998 (Molao wa Nomoro ya 36 wa 1998), le rata ho beha Melawana Shejulung.
tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo?
tshebediso ya metsi a boikgathollo e nang le sekgahla se hodimo?
no wake speed?
morero wa tshebetso?
tshebediso ya metsi a boikgathollo e bolela tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo mme e kenyelletsa le diketsahalo tsohle tse hlokang tshebediso ya metsi, ho kenyelletswa le bokahodimo ba metsi, bakeng sa?
bolaodi bo tshwanetseng?
toka ya bathahaselli e na le moelelo matlafatso e batsi ya ba batsho moruong jwalo ka ha e hlalositswe Molaong wa Matlafatso e Batsi ya Ba Batsho Moruong, 2003 Molao wa No?
vesele e kenyelletsa ntho efe kapa efe e ka kgonang ho tsamaya metsing; mme moralo wa taolo ya mohlodi wa metsi?
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang metsi bakeng sa morero wa boikgathollo o lokela ho dumellana le Tsebiso ya Mmuso ya R.1352 e Koranteng ya Mmuso ya No. 20606 e kentsweng mohla wa 12 Pudungwana 1999 ha motho eo a lokela ho ngodisa tshebediso ya metsi ao bakeng sa boikgathollo.
d ha tshebediso ya metsi e dumellana le morero o sebediswang hape o ananetsweng wa tshebediso ya metsi a boikgathollo ka ho ya ka molawana wa 5 o mabapi le hoo; mme e ka ho ya ka ditlhoko tsa morero ofe kapa ofe o ananetsweng wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, moo ho tshwanetseng.
meralo e tshwanetseng ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi; le iv moo ho ka fumanwang dibaka tse hlokolosi hape tse sireleditsweng haebe ha ho na moralo o ananetsweng wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi.
Motho ya sebetsanang le sekgahla se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo o lokela ho etsa kopo ya tumello ya moralo wa tshebetso bakeng sa sekgahla se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo matsatsing a 60 ho tloha letsatsing leo a tsebisitsweng ka ho ngollwa ke bolaodi bo ikarabelang mabapi le ho etsa jwalo.
latela ditlwaelo kapa maemo afe kapa afe a amohelehileng a beuweng a dikgwerekgwere kapa ditlwaelo kapa maemo amohelehileng a tsamaiso ya tikoloho; le iv ho sireletsa le ho ntshetsa pele makgabane a botjhaba le setso a mohlodi wa metsi.
a o latela ditlhoko tsa molawana o monyenyane wa 2; mme b mokopi o bontshitse bokgoni, kapa o lokiseditse bokgoni, ba ho kokobetsa le ho laola diphetho tse seng ntle mohloding wa metsi jwalo ka ha ho hlwauwe tlasa molawana o monyenyane wa 2g.
Bolaodi bo ikarabelang bo ka ipiletsa bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe hape ho tswa mothong ya ikamahanyang le tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo e lohothwang molawaneng o monyenyane wa 2 mme bo ka laela hore moralo wa tshebetso oo ho buuwang ka ona o fetolwe ka tsela eo bolaodi bo ikarabelang bo ka bonang ho hlokeha.
Ka mora kananelo ya moralo wa tshebetso ke bolaodi bo ikarabelang, motho ya ikamahanyang le tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo o lokela ho dumellana le dipehelo tsa moralo o ananetsweng wa tshebetso.
Moralo wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi o lokela ho ngolwa ke bolaodi bo tshwanetseng mme o romelwe ho bolaodi bo ikarabelang ho ya ananelwa bakeng sa tshebediso ya metsi a boikgathollo a mohlodi wa metsi, ho kenyelletswa le bokahodimo ba metsi ba tshebetso ya metsi ya mmuso, matsatsing a 180 ho tloha mohlang oo bolaodi bo tshwanetseng bo tsebisitsweng ke bolaodi bo ikarabelang ho etsa jwalo.
Moralo wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, o lohothwang molawaneng o monyenyane wa 1 o lokela ho ngolwa ka ho latela Ditataiso tsa Lefapha tsa Moralo o nang le Nyalano wa Mohlodi wa Metsi wa ho Sebedisa Metsi bakeng sa Merero ya Boikgathollo, wa mohla la 20 Phato 2005.
i ka ho hloma moralo wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi; le ii ho mema ditshwaelo tse ngotsweng fatshe tse lokelwang ho romelwa mabapi le morero o sisingwang matsatsing a 60 ka mora phatlalatso ya tsebiso; mme b bo ele hloko ditshwaelo tsohle tse fumanweng.
a fetola moralo wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi; mme b ka ho ya ka molawana o monyenyane wa 3, la phatlalatsa morero wa makgaola-kgang wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi dikoranteng le diphatlalatsing tse ding tsa ditaba dibakeng tse haufi le mohlodi o amehang wa metsi.
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang metsi bakeng sa merero ya boikgathollo a ka kotjwa hore a boloke direkoto tsa dintlha tse amanang le tshebediso ya metsi mme a fane ka tlhahisoleseding bolaoding bo ikarabelang.
Ha ho motho eo ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona a ka fihlelang karolo efe kapa efe ya tshebetso ya metsi ya mmuso moo ntlha e dumelletsweng ya phihlelo e seng teng.
d ketsahalo efe kapa efe e nngwe eo Letona, tlasa mabaka a utlwahalang, le elang bonang ho hlokeha mme e tshwanetse bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho latelwa Molao le Melawana ena.
g dinako tseo ka tsona tshebetso tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso di tla bulelwa setjhaba h ditefiso tse utlwahalang tse leshwang bakeng sa phihlelo kapa bakeng sa tshebediso ya disebediswa kapa difasilithi tse ding tseo ho fanwang ka tsona tshebetsong tsa metsi tsa mmuso le mobung o potapotileng wa mmuso; le i diketsahalo tsa boikgathollo tse theilweng metsing.
Phihlelo le tshebediso ya karolo efe kapa efe ya tshebetso ya metsi ya mmuso, ntle le ka dintlha tsa phihlelo tse dumelletsweng, e thibetswe ha e se na tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona.
Tsamaiso ya ketsahalo efe kapa efe ya tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo ha ya dumellwa ka hara karolo efe kapa efe ya tshebetso tsa metsi tsa mmuso ntle le ha e na le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona.
d ha ho na diketsahalo tsa boikgathollo tse ka bang teng ka hara sebaka sa tshireletso kapa sa polokeho se sehetsweng lebota la letamo le mesebetsi ya sebaka kapa tsela ya ho qhala metsi ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona; mme e ke feela divesele tse tsamayang ka no wake speed tse dumelletsweng ka hara no wake zone.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya hlolehang ho latela dipehelo dife kapa dife tsa Melawana ena o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao mme a ka fuwa kotlo ya faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako ke keng ya feta dilemo tse hlano.
Melawana ena e ka bitswa Melawana ya Tshebediso ya Metsi bakeng sa Merero ya Boikgathollo.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSHEBEDISANO E NTJHA.txt</fn>
HLDF Ha ho Letho ha e se Dihlomo Feela?
Tshebedisano ena e Ntjha mabapi le Ntshetsopele ya Afrika ke nyehelo ya baetapele ba Afrika mme e theilwe hodima morero o le mong le tumelo e le nngwe ya hore ba tshwarane le mosebetsi o hlokolotsi o ba tlamang wa ho fedisa bofutsana le ho beha dinaha tsa bona, e ka ba naha ka nngwe kapa ka kopanelo, motjheng wa ho hola ho tiileng esita le tswelopele esita le hona ho ba le seabo se matla moruong wa lefatshe le dipolotiking tsa yona. Lenaneo lena le theilwe le ho tshehetswa boikemisetsong ba Maafrika ho ipholosa maemong ana a thata a ba tobileng hammoho le kontinente a tswelopele e fokolang esita le hona ho kgeswa tshebetsong e akaretsang ya lefatshe lohle.
Bofutsana ba Afrika le hona ho salla morao ho totobatsa phapano kgahlano le tswelopele e bonahalang dinaheng tse ding tsa lefatshe. Ho qhelelwa ka thoko ho ntseng ho tswela pele ha Afrika tshebetsong e akaretsang ya lefatshe lohle esita le ho qhelelwa thoko ha batho ba bangata ba phelang naheng ena ho baka hore ho be le bothata bo boholo ba botsitso ba tshebetso e akaretsang lefatshe lohle.
Ho ba le seabo ditsheng tse fapaneng tsa ditjhaba tsa dinaha tsa matjhaba, ho fuwa monyetla le ho fumantshwa thuso ho totobatsa mohopolo wa ntshetsopele ya Maafrika. Ho bile le melato e mengata e ntseng e tswela pele ka ho leshwa ka dikgaolwanyane mme e sitisa tswelopele ya dinaha tsa Maafrika. Meedi ya kgetho ena e fihleletswe. Mabapi le dintlha tse ding tsa thuso - re tla lemoha ho theoha ha thuso ya poraefete esita le ho phahama ha moedi wa thuso ya setjhaba, e leng ho ka tlase ho moedi o neng o lebeletswe ka dilemo tsa bo-1970.
Mona Afrika, ke batho ba ka bang dimilione tse 340 tsa batho kapa halofo ya baahi bohle e phelang ka tjhelete e ka tlase ho US $1 ka letsatsi. Sekgahla sa mafu a bana ba ka tlase ho dilemo tse 5 e ka ba 140 bakeng sa 1000 e nngwe le e nngwe. Palo e lebeletsweng ya bophelo ba motho ho tloha tlhahong ya hae e ka ba dilemo tse 54. Ke palo ya diphesente tse 58 tsa setjhaba tse nang le monyetla wa ho fumantshwa metsi a hlwekileng. Palo ya batho ba sa kenang sekolo ba leng ka hodimo ho dilemo tse 15 e ka ba diphesente tse 41. Ho na le dithapo tse 18 feela tsa dithelefounu bakeng sa batho ba 1000 mona Afrika; ha ho bapiswa le palo ya 146 bakeng sa lefatshe lohle le palo ya 567 bakeng sa dinaha tse nang le kuno e phahameng.
Tshebedisano e ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e etsa boipiletso ba hore maemo ana a hlobaetsang a fetolwe ka hore ho fetolwe dikamano tse kgothaletsang maemo ana. Maafrika a etsa boipiletso ba hore ho fediswe maemo a ho phela ka ho kopa dithuso kapa ho qhelelwa ka thoko.
Re na le tshepo ya hore maemo a ho fetoha ha nalane a fedisa bothata ba tswelopele e fokolang a amang Afrika. Matlotlo a akaretsang tjhelete, thekenoloji le boitsebelo ba batho ba ho etsa mesebetsi e itseng e leng matlotlo a hlokehang bakeng sa ho lwantsha bofutsana le tswelopele e fokolang a mangata mme ebile re ka a fumana. Se hlokehang ho bokella matlotlo ana esita le ho a sebedisa ka tshwanelo ke boetapele bo sebete mme bo kenyeletsang mehopolo e tjhorileng e hlokehang bakeng sa tswelopele ya batho le phediso ya bofutsana esita le tshebedisano e ntjha e sebediswang dinaheng tsohle tsa lefatshe e theilweng hodima boikarabelo le ditlhoko tsa e mong le e mong.
Maafrika a se a boletse hore a ke ke a laolwa ke maemo a ditaba kontinenteng yohle. Re tla iphumanela qetello ya rona mme re ipiletse ho lefatshe lohle hore le re tshehetse boitekong ba rona. Ho se ho ntse ho na le dipontsho tsa hore ho tla ba le tswelopele le tshepo. Ho na le keketseho ya maano a demokerasi a kgothaletseng ho fumana pab allo ya ditokelo tsa botho, tswelopele e tadimaneng le batho esita le ekonomi e ntshetsang pele merero ya mmaraka. Batho ba Afrika ba se ba qadile ho itshupa hore ba hanana le boetapele bo fokolang ba moruo le dipolotiki. Le ha ho le jwalo, mekutu ena ha e a lekana mme e lokela ho boela e potlakiswa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e amana le ho hlophisa le ho potlakisa tse tla fumaneha. Ke kgoeletso ya setswalle se setjha se malebana le tshebediso e ntjha pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tsa matjhaba, haholoholo dinaha tse nang le ditsha tse ngata tsa kgwebo e le ho fokotsa sekgeo sa tswelopele se ileng sa eketseha ka nako ya mengwahakgolo e mengata ya dikamano tse sa lekaneng.
Boemo ba Afrika dinaheng tsohle tsa lefatshe bo laolwa ke taba ya hore kontinente ena ke letlotlo la bohlokwa le ileng la thusa batho bohle ka nako ya mengwahakgolo e mengata e fetileng.
Dibaka tsa diphuputso tsa masalla sibolotsweng a masapo esita le ditshibollo tse tswang mobung tse totobatsang tsebo ya ho hlolwa ha lefatshe, bophelo esita le batho bohle.
Ho ipabola ha meetlo ya Afrika esita le seabo sa sa moetlo mefuteng e fapaneng ya meetlo ya ditjhaba tse fapeng ka lefatshe lohle (Karolo ya Bone).
Karolo ya Pele ya tsena tsohle ke yona eo lefatshe le tsejwang ka yona. Karolo ya Bobedi e sa tswa tsejwa haufinyana jwalo ka ha batho ba qadile ho tseba ka bohlokwa ba tikoloho. Karolo ya Boraro e itlhahisa e le yona mme e le taba e hlokolotsi haholo eseng feela ditabeng tsa saense kapa tse thahasellwang ke dimuseamo le balaodi ba tsona. Ya bone e leng Karolo ya Bone e totobatsa boitshimollelo ba batho ba Afrika e leng seo ka ditsele tse fapaneng e sa sebedisweng haholo kapa e sa ntshetsweng pele haholo.
Naha ya Afrika e na le seabo se seholo hodima taba e hlokolotsi ya polokeho ya tikoloho. Matlotlo a Afrika a kenyeletsa meru e bakilweng ke dipula, moya o sa kenyang moya o silafetseng esita le ho fokotseha ha dintho tse kotsi ka hara dinoka le mobung o mabopong a Lewatle la Atlelantiki, Lewatle la India esita le Mawatle a Meditherene le Lewatle le lefubedu. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla kenyeletsa mekgwa ya ho baballa matlotlo le ho a sebedisa bakeng sa ntshetsopele ya kontinente ya Afrika empa ka lehlakore le leng a ntse a baballwa bakeng sa batho bohle.
Ho hlakile hore ha feela ditjhaba di sa fuwe ditsela tse ding tsa ho fumana kuno ya ho iphedisa, di tla thusana ho senya meru. Ere ka ha poloko ya matlotlo ana a bohlokwa bakeng sa motho ka mong, ho a hlokeha hore Afrika e behwe motjheng wa tswelopele empa e se tswelopele e tla ba beha kotsing.
Saense ya sejwalejwale e tadima Afrika e le mohlodi wa batho. Jwalo ka karolo ya leano la kahobotjha ya boitsebahatso le ho ba motlotlo ha batho ba Afrika, ho a hlokeha hore kgothaletso ena ya ho ba teng ha batho e utlwisiswe le ho babatswa ke Maafrika ka bobona. Boemo ba Afrika jwalo ka sebaka seo botho bo qadileng ho sona e lokela ho thoholetswa le ho babatswa ke lefatshe lohle e le mohlodi wa batho bohle. Ka tsela e jwalo, Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e lokela ho boloka letlotlo lena le akaretsang bohle mme e le sebedise ho aha kutlwisiso e batsi ya se nnileng sa hlokeha ho tloha kgale bakengsa ho fedisa ho fokola ha tswelopele esita le ho qhelelwa thoko ha kontinente.
Afrika e boetse e na le seabo se seholo sa ho theha dikamano tse matla pakeng tsa batho le lefatshe la tlhaho. Tswelopele ya thekenoloji e hatella seabo sa batho e le ntlha ya bohlokwa bakeng sa tlhahiso, tlhodisano ya ho iphumanela boemo bo itseng mesebetseing ya tlhahiso kgahlano le dinaha tse ding kapa disebediswa tse ding tsa ka moso. Dibaka tse bulehileng tseo ho se nang batho ba phelang ho tsona, dimela le dipalesa esita le diphoofolo tse fapaneng mme tse ikgethang e le tsa Afrika mme di fa batho monyetla wa ho ba le dikamano le tlhaho.
Afrika e se e bile le seabo sa bohlwa meetlong ya lefatshe ka tsela ya dingolwa, mmino, bonono bo tsotwang ha bo tadingwa esita le mefuta e meng hape ya meetlo. Le ha ho le jwalo, bokgoni ba yona ha bo fihlellwe ka lebaka la ho ba le dikamano tse fokolang le tshebetso ya lefatshe lohle ya moruo. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla thusa Afrika ho eketsa seabo sa yona ho saense, meetlo le thekenoloji.
Ngwahakgolong ona o motjha wa mileniamo ha batho ba batla tsela e ntjha ya ho aha lefatshe le betere, ho a hlokeha hore re kopanye dineo tsena tsohle esita le matla a ditabataelo tsa rona e le ho etsa hore kontinente boemong ba tshebedisano e lekanang e le ho ntshetsapele katleho ya batho.
Ho futsaneha ha kontinente ya Afrika ho ile ha bakwa haholoholo ke bobe ba bokolone, Ntwa ya Kgaphamadi, mesebetsi ya mekgwa ya kgwebo ya dinaha tsa matjhaba esita le ho haella le ho fokola ha maano a a sebediswang ke dinaha tse ngata nakong ena eo eseng ese ya boikemelo.
Ka nako ya mengwahakgolo e mengata Afrika e ile ya kenyeletswa moruong wa lefatshe e le mohlodi wa mesebetsi e theko e tlase esita le dirashwa. Ka tsela e jwalo, hona ho ne ho bolela tahlehelo ya matlotlo a Afrika ho na le ho a sebedisa bakeng sa tswelopele ya kontinente ena. Thahasello ya ho sebedisa dimenerale le dirashwa tse ding mabapi le ho ntshetsa pele diindaseteri tse ntseng di hola e ile ya fela nakong eo. Ka tsela e jwalo Afrika e dula e le naha e futsanehileng ka ho fetisisa le ha e le lebatowa le ruileng dirashwa tse ngata ka ho fetisisa lefatsheng.
Dinaheng tse ding le dikontinenteng tse ding ho bile le phetoho ya maemo ana. Ho ile ha ba le katleho ya leruo le lengata ka tsela ya matsete a ileng a baka hore ho be le leruo le lengata le kenang ka thomello ya dihlahiswa tsa boleng bo phahameng. Ena ke nako ya hore matlotlo a Afrika are sebedisetswe ho theha leruo molemong wa batho ba yona naha ena.
Bokolone bo bakile ho be le dibopeho tse itseng tsa botjhaba le ditsha esita le hona ho etsa hore di laolwe ke ditlhoko tsa moruo le dipolotiki tsa dinaha tse kgolo. Bo bile bo sitisitse tswelopele ya sehlopha sa ba ratang ho iketsetsa esita le shlopha sa batho ba bohareng ba nang le bokgoni ba ho etsa dintho tse itseng esita le bokgoni ba ho laola.
Nakong ya boikemelo, ho ne ho hlakile hore naha e nngwe le e nngwe e ntjha e ne e tsejwa ka ho hloka ditsebi tsa porofeshenale mesebetsing e fapaneng esita le sehlopha se fokolang ka kuno ya tjhelete mme hona ho etsa hore ho be le bofokodi ba morero wa ho ipokeletsa. Afrika ka mora mathata a bokolone e ile ya etsisa dinaha tsena tse fokolang esita le dikgwebo tsena tse se nang thuso tse ileng tsa bakwa ke boetapele bo fokolang, bobodu le puso e mpe ka hara dinaha tse ngata. Dintlha tsena tse pedi esita le dikarolo tse bakilweng ke Dintwa tsa Kgaphamadi, di ile tsa sitisa tswelopele ya mebuso e meholo kontinenteng ena yohle.
Mebuso e mengata ya Afrika ha e a ka ya ruta batho ba yona ho ikakgela ka setotswana mererong ya ntshetsopele e le hore ba tle ba lemohe bokgoni ba boiqapelo boo ba nang le bona. Kajeno naha e fokolang e dula e le bothata bo amang tswelopele dinaheng tse ngata. E nngwe ya diphephetso tseo Afrika e tobaneng le tsona ke ho matlafatsa bokgoni ba ho busa esita le ho rala maano a nako e telele. Ka lehlakore le leng ho a hlokeha hore ho etswe diphetoho tse akaretsang hohle esita le mananeo dinaheng tse ngata tsa Afrika.
Mananeo a ditlhophiso a selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robedi a ile a leka ho rarolla ditaba ka mmoho. Mananeo ana a ile a phahamisa diphetoho tse ileng tsa fedisa ho fetolwa ha ditefello empa a a boela a seke a phethahatsa ho tadimana le tlhahiso ya mesebetsi ya setjhaba. Qetellong, e ile ya ba dinaha tse mmalwa tse ileng tsa kgona ho hola ka thuso ya mananeo ana.
Boiphihlelo ba Afrika bo totobatsa hore ha ho a ka ha ba le tswelopele e kaalo bakeng sa ho aha ditjhaba ho iphumana kgahlano le kgatello ya bokolone e bakang hore tswelopele e fokole kapa hona ho ntlafatsa maemo a bophelo. Hona ho ile ha ba le tshitiso e kgolo ditabeng tsa dipolotiki mme ha ba ha etsa hore ho be le bobodu bo eketsehileng.
Se ileng sa bakwa ke ditaba tsena e bile phetapheto e sa rarolleheng moo ho ileng ha ba ho theoha ha kgwebo, ho fokotseha le ho fokola ha puso tsa matlafatsana mme hona ho paka ho theoha le ho fokola ha Afrika moruong wa lefatshe lohle. Ka lebaka le jwalo, Afrika e ile ya ba kontinente e qhelelwang ka thoko ka menhwahaketekgolo e mengata.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e aha le ho amohela ka thabo katleho e fihleletsweng ka nako e fetileng hammoho le ho totobatsa seo batho ba ithutileng sona tlasa maemo a thata a bohloko le ho theha tshebedisano e amohelehang mme e ka sebediswang. Ka ho etsa jwalo, hona ke phephetso ho batho le mebuso ya Afrika ho utlwisisa hore tswelopele ke kgato ya boimatlafatso le boitshepo. Ka tsela e jwalo, Maafrika ha a tshwanela ho ba balebelli ba tswelopele empa e be baphethahatsi ba katleho ya bona.
Lefatshe le kene ka hare ho mileniamo ena e ntjha bohareng ba diphetoho tse kgolo tsa kgwebo. Diphetoho tsena tse kgolo di na le hona ho fana ka maemo le mokgwa wa nyakallo ya Afrika. Ha e le mona tshebetso ya lefatshe lohle e ekeditse bokgoni ba Afrika ba ho hlodisana le dinaha tse ding, re dumela hore menyetla ya tshebedisano e nang le bolaodi bo botle e tla hlahisa ditholwana tsa bohlokwa bakeng sa tswelopele ya kgwebo esita le phokotso ya bofutsana.
Diphetoho tsa kgwebo nakong ya jwale di thusitswe ke dintlafatso mererong ya thekenoloji ya phetiso ya tsebo le dikgokahanyo mme hona ho fokoditse ditefello mme ha eketsa lebelo la dikgokahanyo lefatsheng lohle mme ho fediswa ditshitiso tse nnileng tsa ba teng tsa nako le sebaka, mme hona ho tshwaetsa mekga yohle ya ntshetsopele ya bophelo ba setjhaba le kgwebo. Hona ho thusitse hore ho be le kamano ya mesebetsi ya setjhaba ya tlhahiso le kgwebo mme mme e bontshwa ka kgolo ya thomelo ka ho tshela moedi ha dintho, mesebetsi e itseng esita le tjhelete.
Ho amana ha mekgwa ya setjhaba ya tlhahiso e entse hore ho be bobebe ho eketsa boleng tlhahisong le mokgeng wa mesebetsi ya tlhahiso. Ka lehlakore le leng, ho phahama ha tshebediso ya tjhelete ho bolela hore batho ba adimang tjhelete, e le mebuso kapa mekgatlo ya poraefete ba tla lokela ho hlodisana le ho ipabola bakeng sa tjhelete tshebetsong ya lefatshe eseng feela mebarakeng ya setjhaba. Tshebetso tsena di ekeditse ditefello dinaheng tse hlolehang ho itshupa tlhodisanong. Afrika e fumana ditefello tsena di hlile di le boima haholoholo.
Ha e le mona ho se na karolo le ha e le nngwe e sa tshwaetswang ke mokgwa wa tshebetso ho ya ka lefatshe lohle, diphehiso tsa mabaowa le ditjhaba tse fapaneng di fapane haholo. Se bakang hore ho be le diphetoho tsena tsa tswelopele ke ditjhaba tse hlabolohileng haholo lehlakoreng la diindaseteri. Ha re tadima ka thoko ho moralo ona re fumana hore ho na le dinaha tse mmalwa lefatsheng lena le tswelang pele tse nang le seabo se seholo kgwebong ya lefatshe lohle. Dinaha tse tse ngata tse tswelang pele, haholoholo naha ya Afrika di na le seabo se sa totobalang ka lebaka la tikoloho le matlotlo a tsona.
Ho arolwa ha matlotlo ho totobatsa ho se lekane tshebetsong e akaretsang lefatshe lohle ka tsela e hlakileng. Ka lehlakore le leng menyetla e eketsehile bakeng sa ho theha kapa ho eketsa leruo, ho ba le tsebo esita le ho kgona ho etsa dintho tse itseng esita le ho ba le hona ho fumana dintho esita le ho fumana mesebetsi - ka bokgutshwanyane, ho ntlafatsa maemo a bophelo. Dikarolong tse ding tsa lefatshe ho kgothalla kektso ya menyetla bakeng sa kgwebo e butsweng bakeng sa bohle e theile menyetla ya ho ntsha batho ba dimilione ka hara bofutsana.
Ka lehlakore le leng, dikamano tsena tse tiileng di bakile hore dinaha tse sa kgoneng ho itshupa hantle tlhodisanong ya tswelopele di qhelelwe thoko ka ho fetisisa.. Ere ka ha ho se na melao e akaretsang bohle e theilweng tokeng, tshebetso ena e akaretsang lefatshe lohle e bakile hore dinaha tse matla di ntshetse pele ditakatso tsa tsona kgahlano le dinaha tse fokolang. Hona ho etsahala haholo mahlakoreng a kgwebo, tjhelete le thekenoloji. Hona ho etsa hore dinaha tse ntse di hola di be le bothata ba ho laola tswelopele ya tsona ka lebaka la hobane tshebetso ena e sa thuse dinaha tse fokolang. Maemo a dinaha tsena tse qheletsweng ka thoko a ntse a mpefetse le ho feta. Ho na le sekgeo pakeng tsa dinaha tse ka hare le tse ka ntle tshebetsong ena.
Re fumana hore ho sitwa ha Afrika ho phethahatsa tshebetso ena e akaretsang bohle lefatsheng ke lebaka la ditshitiso malebana le ho hola le tswelopele ka tsela ya thomello ya matlotlo esita le dipehelo tse sa lokang tsa kgwebo. Ka tsela e jwalo re hlokomela hore ho fokola ha boetapele ba dipolotiki le moruo dinaheng tse ngata tsa Afrika ho sitisa pokello le tshebediso e nepahetseng ya matlotlo ana a fokolang e le hore a be le tlhahiso e bonahalang e le ho hohela matsete dinaheng tsa lehae le dinaheng tse ka mose ho mawatle.
Boemo bona bo tlase ba ho hwebisana bo bolela hore ho hlokeha disebediswa tsa bohlokwa bakeng sa keketso ya matlole a poraefete esita le boitlamo. Qetello ya sena e ba ho wa ha moruo ho tswelang pele. Bothateng bona bo iphetaphetang, bokgoni ba Afrika bakeng sa ho ba le seabo mokgweng ona wa tshebetso ya lefatshe e akaretsang bo fokotsehile haholo mme hona ho lebisa boemong ba ho qhelelwa thoko. Ho fapanyetsana hona hwa leruo le bofutsana ke e nngwe ya dintho tse ngata tse tsamayang hammoho le tshebetso ena ya lefatshe ka kakaretso mme hona ho ntse ho fokodisa tswelopele.
Dilemong tse qetellang tsa ngwahaketekgolo e fetileng di bakile ho wa hwa tshebetso ya tjhelete dinaheng tse ngata tse tswelang pele. Hona ha ho a fokodisa feela boikemelo ba tshebetso ya tjhelete empa ho bakile hape ho wa ha tshebetso ka lefatshe lohle. E nngwe ya dintho tse bakilweng ke tshebetso ena e fokolang ya tjhelete e bile ho tswela pele hwa bofutsana ka tsela e phahameng. Ka lebaka lena palo e ka etsang halofo ya batho lefatsheng e phela ka tjheletana e ka bang didolara tsa Amerika tse pedi ka letsatsi mme palohare ya motho a le mong ho batho ba bahlano yona e phela ka dolara e le nngwe ya Amerika ka letsatsi le letsatsi.
Ho ntse ho na le dintlha tse ding tse bakang mathata a nako e telele. Dintlha tsena di akaretsa Hona ho baka hore ho be le ho eketseha ha palo ya batho ba qhelelwang thoko dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe mme hona ho baka hore ho be le ho hloka botsitso pusong, ho be le ntwa ya bana ba thari mme ka lehlakore le leng ho be le dikgohlano malebana le dihlomo, ha ka lehlakore le leng ho na le phallo ya bongata ba batho. Ho eketseha ha tlhahiso ya diindaseteri esita le ho tswela pele ha bofutsana ho baka hore ho be le tshenyo e kgolo mawatleng a rona, tshenyo ya moya le dimela tsa tlhaho. Haeba bothata bona bo sa laolwe, bo tla tswela pele hoo mebuso e fapaneng e tla hloleha ho bo laola. Hona ho ka etsahala dinaheng tse tswetseng pele ekasitana le dinaheng tse ntseng di tswela pele.
Ha re so be boemong ba ho hlolwa ke ho fetola maemo ana a tshosang. Dintlafatso tsa maemo a bophelo a batho ba qhelelwang ka thoko di baka hore ho be le bokgoni ba tswelopele moruong wa matjhaba ka tsela ya ho bula mebaraka e metjha le ho sebedisa bokgoni bo eketsehileng ba moruo. Hona ho tla tlisa botsitso ka tsela e karetsang bohle lefatsheng esita le maikutlo a tswelopele ya moruo le tswelopele ya setjhaba.
Taelo ya tswelopele ha e phephetse feela ho ipha kelello bakeng sa boitshwaro; empa ke motheo wa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso e akaretsang lefatshe lohle. Re amohela ka ntle ho qeaqeo hore mokgwa ona wa tshebetso o akaretsang wa lefatshe lohle o tswalwa ke metheo ya saense le thekenoloji mme yona e ntshetswa pele ke mebaraka. Le ha ho le jwalo, mebuso, haholoholo mebuso ya dinaha tse tswetseng pele, ka tshebedisano ya yona le mekga ya poraefete, e bile le seabo sa bohlokwa bakeng sa ho bopa sebopeho, dintlha tse amehang esita le tataiso tshebetsong ena.
Seabo sa balaodi ba setjhaba le ditsha tsa poraefete malebana le ho tataisa batho ka mokgwa ona wa tshebetso ya lefatshe lohle bakeng sa ho hlokomela hore hore mokgwa ona o atlehe ho tswela pele mme matlotlo a arolwe ka ho lekana, se dula se ntse se le matla. Ka lebaka la boiphihlelo, ho a totobala hore le hoja ho se na kgahlano e bakwang ke mokgwa ona wa lefatshe wa tshebetso dinaheng tse neng di futsanehile pele, ha ho na ntho e totobetseng leanong lena e fokotsang bofutsana le ho se lekane.
Ho hlokehang ke hore ho be le boikemisetso bo tiileng lehlakoreng la mebuso, mokga wa poraefete esita le ditsha tsa setjhaba se le seng esita le kamano e nepahetseng ya ditjha tsohle mabapi le moruo o akaretsang le dipolotiki. Hona ho qosa hore ho be le kamohelo ya tshebedisano ka lefatshe lohle malebana le tlhahiso le tlhoko, tikoloho e akaretsang polanete ena, phallo ya ho tshela meedi, bolaodi bo nepahetseng ba tjhelete bo netefatsang bolaodi ba kgwebo ya setjhaba le puso e akaretsang lefatshe lohle e amohelang tshebedisano pakeng tsa batho bohle. Re utlwisisa hore ke boikarabelong ba ditjhaba tsa matjhaba ho theha maemo a lokileng mme a kgotsofatsang e leng moo Afrika e ka bang le seabo se matla moruong o akaretsang wa lefatshe lohle esita le dipolotiki.
Tshebedisano e ntjha ya tswelopele ya Afrika e amohela hore ho ile ha ba le boiteko ba ho ntshetsa pele mananeo a tswelopele ya kontinente yohle ka nako e fetileng. Ka mabaka a mangata a fapaneng, ka hare le ka ntle, ho nnile ha ba le ho hloka lehlohonolo boetapeleng ba Maafrika ka bobona. Le ha ho le jwalo, kajeno ho na le maemo a fetohileng a matjha ha jwale. Maemo ana a itshetlehile ka mokgwa o motjha wa tshebediso.
Bohato bona bo botjha ba tshebetso e ntjha bo thulane le popobotjha ya dikamano tsa matjhaba qetellong ya Ntwa ya Kgaphamadi. Hona ho amangwa le ho hlaha ha mantswe a matjha a tshireletso le ditakatso tsa motho ka nngwe e leng ho akaretsang tokelo ya tswelopele le phediso ya bofutsana. Demokerasi le ho loka ha mmuso di filwe moelelo o motjha e le ho kenyeletsa mmuso o nang le boikarabelo bo matla, tlwaelo ya ditokelo tsa botho esita le ho ba le seabo e le dintlha tsa bohlokwa.
Palo ya baetapele ba kgethilweng ka tsela ya demokerasi e eketsehile haholo. Ka lebaka la diketso tsa bona ba boletse hore tshepo ya baahi ba Afrika bakeng sa bophelo bo botle e ke ke ya hlola e thehwa hodima boitshwaro ba batho ba bang.
Demokerasi e ntse e ata e phatlalla le kontinente yohle mme e thoholetswa ke Kopano ya Afrika. Kopano ena ya Afrika e totobaditse leano le letjha le ho fedisa dikgohlano le ho fedisa ho iphapanya seo e leng tlwaelo kapa molao. Boiteko bona bo matlafatswa ke maikutlo a dihlopha tsa batho tse akaretsang mekgatlo ya basadi, batjha le baemedi ba baphatlalatsi ba fapaneng. Ho feta mona, mebuso ya Afrika e tsitlaletse hore ho be le tshebedisano mererong ya kgwebo le dikamano boemong ba mabatowa le kontinente yohle. Hona ho thusa ho amanya kuno ya kgwebo le ho matlafatsa menyetla ya tshebedisano ka kutlwano.
Diphetoho tse teng Afrika di se di ntse di hlokometswe ke mebuso yohle ya lefatshe. Kgoeletso ya Mileniamo ya Dinaha tse Kopaneng e ileng ya amohelwa ka kgwedi ya Loetse 2000 e dumellana le boitokisetso ba setjhaba ka lefatshe lohle bakeng sa ho tshehetsa mekutu ya naha ya Afrika bakeng sa ho fedisa tswelopele e fokolong esita le hona ho qhelelwa ka thoko. Kgoeletso ena e hatella hore ho be le kgothaletso ya thibelo ya dikgohlano esta le ho theha maemo a botsitso le demokerasi mona kontinenteng le hona ho tobana le diphephetso tsa ho fedisa bofutsana le malwetse. Kgoeletso ena e boetse e hlalosa hore ho be le boitelo ba setjhaba bakeng sa ho eketsa matlotlo a Afrika ka ho ntlafatsa thuso, kgwebo le setswalle sa kadimano pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tsa lefatshe esita le ho eketsa lekeno la tjhelete e tlang kontinenteng ena. Ke ntho ya bohlokwa jwale ho etsa hore boikemisetso bona bo phethahatswe.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e theilwe hodima borui le bolaodi ba Afrika. Ka lenaneo lena baetapele ba Afrika ba hlophisa dintlha tsa ntjhafatso ya kontinente ena. Dintlha tsena tse hlophiswang di theilwe hodima dintlha tsa bohlokwa tsa naha le mabatowa esita le meralo ya tswelopele e lokelang ho hlophiswa ka lebaka la tshebetso ya ho ba le seabo ha batho. Re a dumela hore le ha baetapele ba Afrika ba fumana ditaelo ho setjhaba, e ntse e le boikarabelo ba bona ho phethahatsa ditlhophiso tsena esita le ho etella pele tshebetso ya phethahatso lebitsong la setjhaba.
Lenaneo lena ke moralo o motjha wa tshebedisano le dinaha tse ding tsa lefatshe, hammoho le dinaha tse tummeng ka indaseteri le mekgatlo e sebetsang hammoho ka kutlwano. E theilwe hodima dintlha tse kgethilweng ke baahi ba Afrika ka boithaopo ba bona mme ka thato ya bona ho aha botjha seo e tla ba qetello ya bona.
Ho ntjhafatsa le ho ntlafatso meralo ya thuto, thupelo ya botekgeniki le mesebetsi ya bophelo bo botle ka ho hatella haholo thibelo ya HIV/AIDS, malaria le mafu a manga tshwaetsang?
Ho ntshetsa pele menyetla ya disebediswa, temo le diindaseteri tsa temo tse fapaneng mme tse nang le tlhahiso e thusang mebaraka ya lehae le mebaraka ya thomello.
Morero wa tsoseletso ya Boafrika e leng morero o tla thusa kontinente ya rona e sohlokilweng ka mengwaha e melelele e lokela ho iphumanela sebaka sa yona se e tshwanelang lefatsheng. Hona ho qosa hore ho be le kgwebo e matla e kgona ho hlodisana le tse ding ha e le mona lefatshe le fetohela tokolohong le dihlodisanong tse matla.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla atleha feela ha e laolwa ke baahi ba Afrika mme ba kopane hammoho ka mefuta ya bona.
Ka lebaka la ho thefulwa ke bokgoba, bobodu le bolaodi bo fokolang ba kgwebo, naha ya Afrika e batla e hula ka boima. Le ha ho le jwalo, ha matlotlo a yona a tlhaho kapa basebetsi ba ka sebediswa hantle ka nepo, hona ho ka etsa hore qetellong e hole mme e iphumanele ho eketsa monyetla wa yona wa ho ba lehokela kgwebong ya lefatshe.
Ke ka lona lebaka lena batho ba rona ba lokelang ho kgothala le hoja ba ntse ba na le mathata. Ba lokela ho ba le tshepo ya boitsebelo le bokgoni ba bona ba ho thulana le mathata mme ba be ba ikakgele ka setotswana kahong ya Afrika e ntjha. Boikitlaetso bona boo re bo bong nakong ya hona jwale ke totobatso ya boitelo ba baetapele ba Afrika ba ho phethahatsa morero ona wa bohlokwa.
Le ha ho le jwalo, batho ba rona ba ka hlola ntwa ena feela ha ba iphumana e le balaodi ka bokamoso ba bona.
Ke ka lebaka lena ha baetapele ba dipolotiki ba ipiletsa ho baahi ba Afrika ka ho fapana ha bona, ho hlokomela bohlokwa ba maemo ana le hona ho ithera ho fedisa ho qhelelwa ka thoko hwa kontinente ya rona le ho tiisa hore e tswela pele ka ho kwala sekgeo sa tswelopele pakeng tsa yona le dinaha tse ding tse seng di tswetse pele.
Re a kopa ke hona hore batho ba Afrika ba tobane le phephetso ena ka ho tshehetsa phethahatso ya boikemisetso bona ka ho theha mekgatlo maemong a fapaneng ho ithera le hona ho phethahatsa.
Baetapele ba kontinente ba a hlokomela hore bohlale ba batho le ho ba le kelello e tjhatsi ho lekangwa ka ho ba le mehopolo ya bohlokwa le boikemisetso e le ho tiisa hore tswelopele e be teng.
Ha re a lokela ho tlohela ho phethahatsa lenaneo lena la bohlokwa la ho theha le ho kgutlisetsa madulong kgwebo ya rona esita le ditjhaba tsa rona tsa demokerasi. Ka tsela e jwalo, baetapele ba Afrika ba kgolwa hore Afrika jwalo ka ha e ile ya ba kontinente eo tswelopele ya yona e ileng ya ba le mathata, e tla boela e tswela pele ka lebaka la boikemisetso bona.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e fapane ka mokgwa le maqheka a tshebetso ha e bapiswa le meralo e meng ya tshebetso e mabapi le tswelopele ya Afrika, le hoja mathata a lokelang ho rarollwa ona a ntse a tshwana.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tadingwa e le lenaneo la tswelopele la nako tsohle leo e leng la Maafrika mme ebile le laolwa ke ona Maafrika.
Lenaneo lena la tshebetso le kenyeletsa dintlha tse hlophisitsweng ka ho re ke tsa bohlokwa ka ho fetisisa mme di ka fetolwa ka nako le nako ke Dihlooho tsa Komiti ya Mmuso ya Tshebetso. Lenaneo lena le akaretsa tsohle tse lokelang ho etswa ka nako e kgutshwanyane ho sa natswe dintho tse ngata tse lokelang ho etswa.
Le hoja ho lebeletswe hore ho tla ba le tshehetso ya ditjhelete bakeng ba nako e telele ka ho latela tshebetso ena, ho lokela hore ho potlakelwe merero ena e le ho fedisa bofutsana naheng ya Afrika le ho etsa hore dinaha tsa Afrika, ka bonngwe kapa ka kopanelo di be motjheng wa ho hola le ho tswela pele esita le hona ho emisa ka ho qhelelwa ka thoko ho tshebetso ena e tshwanang ya dinaha tsohle tsa lefatshe.
Le hoja ho na le dintho tse hlwailweng e le tsa bohlokwa ka ho fetisisa, dintho tse kgethilweng di tla ba le molemo o moholo mafapheng a mang a itseng ka nako e tlang.
Le hoja mehato ya kgolo e le molemo hakaalo, mehato ena ha e na molemo o mokaalo o lekaneng bakeng sa ho thusa dinaha tsa Afrika ho fihlella sepheo sa tsona sa ho fedisa bofutsana. Boikemisetso ba Afrika hona jwale ke ho hlokomela hore ho be le tswelopele maemong a hlokehang e le ho fedisa bofutsana le ho hlokomela hore ho be le tswelopele ka mehla yohle. Hona ho ama dintlha tse kang ho ba teng ha disebediswa, keketso ya tjhelete, tjhelete ya motho ka mong, ditsha, dibopeho tse fapaneng, maikutlo a tlhodisano, bophelo le paballo e lokileng ya tikoloho.
Sepheo sa Tshebedisano ena e Ntjha mabapi le Ntshetsopele ya Afrika ke ho etsa kgothaletso malebana le tswelopele ya Afrika ka ho kwala sekgeo mekgeng e tshepilweng e le ho thusa kontinente hore e kgone ho kgema le maemo a tswelopele dikarolong tse ding tsa lefatshe.
Boikemisetso bona bo botjha ba nako e telele e tlang bo tla hloka hore ho be le matsete a bonahalang bakeng sa ho fedisa dikgeo. Boikemisetso ba nako e tlang ba Afrika ke hona ho ba le hona ho iketsetsa matlole a ho nyolla mokotla ka tsela e bobebe e ka kgonehang. Ke ka lona lebaka lena re etsang kgoeletso ho bao re sebedisang le bona hore ba re thuse boitekong bona.
Ho fedisa bofutsana naheng ya Afrika le ho etsa hore dinaha tsa Afrika, ka bonngwe kapa ka kopanelo di be motjheng wa ho hola le ho tswela pele esita le hona ho emisa ka ho qhelelwa ka thoko ho tshebetso ena e tshwanang ya dinaha tsohle tsa lefatshe.
Ho ntshetsa pele seabo sa basadi mesebetsing ena yohle.
Ho sebedisa mekgwa ya tswelopele boemong ba setjhaba e le ho tiisa hore ho be le tswelopele e tsitsitseng ka selemo sa 2005, e le ho fedisa le ho fetola tahlehelo ya matlotlo a tikoloho ka selemo sa 2015.
Ho ba le seabo ho eketsehileng hwa naha ya Afrika.
Ha e le mona ho hlokomeleha hore haeba ho sa etswe ntho e ntjha kapa ho sa etswe phetoho e bonahalang, naha ya Afrika ha e na fihlella Diphetho tse lebeletsweng tsa Tswelopele ya Matjhaba esita le ho fihlella diphesente tse 7 tsa Kgolo ya Tlhahiso ya Dihlahiswa, Dihlooho tsa Mmuso dinaheng tsa Afrika di hlahisa tshisinyo ya lenaneo lena le hlaloswang mona ka tlase. Lenaneo lena le tshehetswa ka ditaba tsa bohlokwa tsa sehlooho mme ebile le matlafatswa ka lenaneo la tshebetso le hlakisang tsohle.
Baetapele ba Afrika ba se ba ithutile ho latela boiphihlelo ba bona hore kgotso, tshireletso, demokerasi, puso e lokileng, ditokelo tsa botho esita le bolaodi bo botle ba kgwebo ke majwana a motheo malebana le tswelopele e tiileng ya kamehla yohle. Ba etsa tshepiso e tiileng ya hore ba tla sebetsa ka bonngwe kapa ka kopanelo ho ntshetsa pele maano ana dinaheng tsa bona, mabatoweng a manyenyane esita le kontinenteng yohle.
Ho etsa hore ditsha di be le boikarabelo malebana le Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ka ho sebedisa boetapele.
Dipehelo tsa nako ena e telele e tlang bakeng sa ho netefatsa hore ho ba le kgotso le tshireletso ka hare ho Afrika di hloka dintlha tse hlakileng tsa leano le sebediswang e le ho sebetsana le ditaba tse amang puso kapa dipolotiki le ditaba tsa setjhaba tse buang ka kgohlano. Dintlha tsena di sebetswa ke Baithaopi ba Dipolotiki le Puso ya Kgwebo, Tshebediso ya Tjhelete esita le Ho ba le seabo dimmarakeng le Ntshetsopeleng ya Batho.
Thibelo ya tshebediso ya dihlomo tse nyenyane, dibetsa tse bobebe esita le diqhomane tsa merafo.
Boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla hlokomela hore nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa ho thehwa ha bona le hlakise metheho ya karolo ka nngwe ho tsena tse nne tse boletsweng ka hodimo. Tshebetso ena e tla kenyeletsa seo ba nang le seabo ba lebellwang ho se etsa, sebopeho le mehlodi ya tshebetso ya ditjhelete bakeng sa mesebetsi eo.
Foramo ya Dihlooho tsa Dinaha e tla sebetsa jwalo ka mohlodi wa bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bakeng sa ho eketsa bokgoni ba ditsha tsa Afrika ho ntshetsa pele kgotso le tshireletso kontinenteng, ho arolelana boiphihlelo esita le ho kgothaletsa hore ho be le tshebetso e kopanetsweng. Foramo ena e tla etsa bonnete ba hore ho phethahatswa maano le boikemisetso bona.
Ha e le mona ho hlokomelwa ditshwanelo tsena, Maafrika a lokela ho etsa mekutu yohle ho rarolla dikgohlano tse teng hore di se ke tsa hlola di ba teng ho hang; ho matlafatsa tshireletso pakeng tsa dinaha le ho ntshetsa pele kgotso mahareng a dinaha tse fapaneng.
Kopanong ya Boitekolo e neng e tshwaretswe mane Lusaka Kopano ya Afrika e ile ya etsa qeto ya hore ho nkuwe mehato e matla bakeng sa ho ntjhafatsa le ho tsosolosa ba ikarabellang bakeng sa thibelo ya kgohlano le tharollo ya kgohlano.
Ha jwale ke ntho e tsebahalang hore tswelopele e ke ke ya ba teng haeba ho se na demokerasi ya nnete, tlhompho ya ditokelo tsa botho, kgotso le puso e lokileng. Ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika, Afrika e itlama ho hlompha le ho ntshetsa pele maemo a demokerasi ao dikarolo tsa bohlokwa tsa ona e leng mekga e mengata ya dipolotiki, ho amohela ho ba teng ha mekgatlo e mengata ya dipolotiki esita le dikopano tsa basebetsi, dikgetho tse tshepahalang, tse akaretsang bohle mme tse lokolohileng, tse hlophiswang ka nako le nako ho dumella setjhaba ho ikgethela baetapele ba sona ka bolokolohi.
Sepheo sa Tshebetso ena ya Demokerasi le Puso ke ho kgothaletsa hore ho matlafatswe moralo wa dipolotiki le bolaodi wa dinaha tse nang le seabo ka ho latela maano a demokerasi, ponaletso, boikarabelo, bokgoni ba boikarabelo, tlhompho ya ditokelo tsa botho esita le ntshetsopele ya puso ya molao. E matlafatswa le ho tshehetsa Tshebetso ya Puso ya Kgwebo eo e nang le makgabane a tshwanang le yona mme tsena tsohle di sebediswa ho ntshetsa pele kontinente lehlakoreng la tswelopele le phediso ya bofutsana.
Ho etsa bonnete ba hore ditsha di ba le boikemisetso ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho hlokomela hore dintlha tsa bohlokwa tsa tshebetso ena di a phethahatswa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla hlokomela le ho phethahatsa maemo a tshwanelang a puso e lokileng esita le diketso tsa demokerasi empa ka lehlakoreng le leng e ntse e tshehetsa ho e nngwe le e nngwe ya dintlha tsena. Mebuso e nang le seabo e tla tshehetswa ha e phethahatsa merero ena e tshwanelehang ya ntlafatso. Ka nako ya dikgwedi tse tsheletseng tsa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho tla etswa dikgothaletso tsa disebediswa tsa hlahlobo, e le ho ikamahanya le merero ya puso e lokileng esita le lemoha bofokodi le hona ho batla matlotlo le bokgoni ba ho fedisa bofokodi bona.
Bakeng sa ho matlafatsa puso ya dipolotiki le hona ho ba le bokgoni ba ho fihlella boikemisetso bona, bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla ntshetsa pele mosebetsi wa ho fihlella merero yohle ya bohlokwa e rerilweng.
Ho etsa diphetoho tsa molao.
Dinaha tse nang le seabo tshebetsong ena di tla etella tse ding pele ka ho tshehetsa le ho theha ditsha tse hlokomelang merero e kang ena. Ba tla itella ho theha le ho matlafatsa dibopeho tsa boemo ba naha, mabatowa a manyenyane esita le dibopeho tsa kontinente tse ntshetsang pele puso e lokileng.
Foramo ya Dihlooho tsa Mebuso mabapi le Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla ba mokgwa oo bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla hlahloba ka nako le nako tswelopele ya dinaha tsa Afrika malebana le boikemisetso ba ho phethahatsa puso e lokileng le tlhabollo ya setjhaba. Foramo ena e tla be e etse monyetla wa hore dinaha tse fapaneng di be le hona ho buisana e le hona ho kgothaletsa hore ho be le puso e lokileng le mesebetsi ya bohlokwa ya demokerasi.
Kaho ya puso ya kopanelo ke ntho ya bohlokwa e thehang dipehelo tsa tswelopele. Mmuso o na le boikarabelo bo boholo ba ho ntshetsa pele kgolo le tswelopele ya kgwebo esita le hona ho sebedisa mananeo a phokotso ya bofutsana. Le ha ho le jwalo, mebuso e mengata ha e na bokgoni ho phethahatsa morero ona. Ka tsela e jwalo, dinaha tse ngata di hloka maano le meralo ya tataiso bakeng sa kgolo e laolwang ke mokga wa poraefete. Ba hloka bokgoni ba ho sebedisa mananeo ana le ha ba na le tshehetso ya tjhelete.
Ke ka lebaka lena theho ya bokgoni bo lebeletsweng e leng ntho e lokelang ho tadingwa e le ya bohlokwa ka ho fetisisa. Dikarolong tse fapaneng, mananeo a lokela hore a hlahlojwe hore a totobatsa bokgoni pele mme ho latele tlhahiso ya tshehetso e tshwanelehang.
Ho ntshetsa pele dinaheng tse nang le seabo mananeo a bonahalang mme a tsepameng nakong ka sepheo sa ho atlehisa boleng ba bolaodi ba kgwebo le taolo ya ditjhelete tsa setjhaba hammoho le puso ya kopanelo.
Sehlopha sa Tshebetso se theilweng ka Matona a Ditjhelete le Dibanka tse Bohareng se tla tshepelwa ho hlahloba mesebetsi ya kgwebo le puso ya kopanelo dinaheng tse fapaneng le mabatoweng mme se etse dikgothaletso malebana le maemo a tshwanelehang esita le melawana ya tshebetso e atlehileng e le hore di tle di hlahlojwe ke Dihlooho tsa Komiti ya Mmuso ya Tshebetso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.
Komiti ena ya tshebetso e tla lebisa dikgothaletso tsa yona mebusong ya Afrika e le hore di sebediswe.
Komiti ena ya tshebetso e tla tadima haholo bolaodi ba ditjhelete tsa setjhaba. Dinaha di tla hlophisa lenaneo la ntshetsopele ya bolaodi ba ditjhelete tsa setjhaba esita le tse lebeletsweng ho fihlellwa mme ho tla be ho thehwe le mekgwa ya hlahlobo.
Komiti ya Tshebetso ya Dihlooho tsa Mebuso e tla hlopha tse ka sebediswang bakeng sa ho thusa dinaha tsohle ho ikamahanya le maemo a lebeletsweng esita le boitshwaro.
Dinaha tse ngata tsa Afrika di a fokola ha re tadima lehlakore la palo ya baahi esita le matla a moruo kapa kuno ya naha ka nngwe. Ka lebaka la mebaraka e sa tsweleng pelehakaalo, dinaha tsena ha di kgahle le ho buseletsa batho ba ikemiseditseng ho tsetela ho tsona ka letho mme hona ho bile ho baka hore ho be le phokolo e kgolo tlhahisong ya dihlahiswa tse fapaneng esita le thomello ya tsona ho ya dinaheng tse ding. Hona ho fokotsa matsete a mekga e fapaneng e leng matsete ao hangata a ntshetswang pele ke kgwebo e atlehileng.
Dipehelo tsena tsa kgwebo di totobatsa hore dinaha tsa Afrika di lokela ho ntlafatsa matlotlo a tsona esita le hona ho ntshetsa pele tswelopele ya mabatowa le kopanelo ya kgwebo mona kontinenteng e le hore ho tle ho ntshetswe pele maikutlo a tlhodisano kgahlano le matjhaba. Dihlotshwana tse hlano tsa mabatowa a manyenyane tsa kgwebo kontinenteng ena di lokela ho matlafatswa.
Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tadimana le tlhahiso ya diphahlo tsa bohlokwa tsa setjhaba mabatoweng jwalo ka dipalangwang, eneji, metsi, ditshebeletso le thekenoloji ya dikgaokahano, phediso ya malwetse, poloko ya tikoloho le tlhahiso ya diphuputso boemong ba mabatowa hammoho le kgwebisano ya dinaha tsa Afrika ka botsona le matsete. Ho tla tadingwa haholo moralo wa kgwebisano ka ho hlwaya merero e ka sebediswang ka ho kopanya dinaha le mabatowa le hona ho amanya maano le mesebetsi ya kgwebo le matsete. Ho lokela hore ho be le kamano paken g tsa maano a mokga wa naha le ho lekolwa ho matla hwa diqeto tsa mabatowa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla kgothaletsa haholo ho ipabola ka makgabane e le ho ntshetsa pele tshebetso e ntle ya mabatowa le mekgatlo e seng e ntse e le teng ya mabatowa. Banka ya Ntshetsopele ya Afrika e lokela ho thusa haholo ka ho tshehetsa ka ditjhelete dithuto bakeng sa mabatowa, mananeo le merero e meng e itseng.
i Tse fumanehang bakeng sa ditshebeletso, haholoholo tsebo le dikgokahano tsa thekenoloji le eneji.
Matlotlo a bohlokwa a amang batho kapa basebetsi, jwaloka thuto, ntshetsopele ya mesebetsi e itseng, esita le hona ho hlabolla kelello ka ho itebatsa tse fetileng iii Bophelo bo botle iv Temo v Ho ba le seabo sa ho hwebisana le mebaraka ya dinaha tse tswetseng pele bakeng sa thomello ya dihlahiswa tsa Afrika.
Bakeng sa mokga o mong le o mong, sepheo ke ho fedisa phapano kapa sekgeo se teng pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tse tswetseng pele e le ho ntlafatsa maemo a tshebetso e ka bapiswang le ho hlodisana le ya dinaha tsa matjhaba esita le hona ho thusa hore Afrika e be le seabo tshebetsong ya dinaha tsa lefatshe lohle. Maemo a ikgethang a sehlekehleke sa Afrika le dinaha tse ding a tla hlahlojwa boemong bona.
Disebediswa tse tla tadingwa di kenyeletsa ditsela, ditsela tse kgolo, boemafofane, boemakepe, ditsela tsa metsi, esita le dikgokahano tsa mehala. Le ha ho le jwalo, ho tla tadingwa feela mabatowa a manyenyane kapa disebediswa tse fumanwang kontinenteng ho latela moralo ona.
Ho ba teng ha disebediswa ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa tsa motheo bakeng sa kgolo ya kgwebo mme ho lokela hore ho fumanwe tharollo malebana ho thusa Afrika hore e hole ho fihla boemong ba dinaha tse tswetseng pele ka tsela ya pokello ya thepa esita le tjhelete.
Ha e ne eba Afrika e ne e na le metheo ya disebediswa tse tshwanang le tsa dinaha tse tswetseng pele, e ne e tla ba boemong bo botle ba ho sebetsana le tlhahiso le hona ho ntshetsa pele tlhahiso e le hore le yona e itshupe hara dinaha tse ding tsa matjhaba. Sekgeo sena se bonahalang sa disebediswa se baka mathata kgahlano le kgolo ya kgwebo esita le hona ho fokotswa ha bofutsana. Afrika le ditjhaba tse ding tsa dinaha tsa matjhaba di ne di tla ba le hona ho fumana thepa ya Seafrika esita le mesebetsi e theko e tlase.
Dinaheng tse ngata tsa Afrika dinaha tsa bokolone di hlomile metheo ya disebediswa e le ho hlokomela hore ho romelwe dintho tsa Seafrika dinaheng tse ding le hona ho romela dintho tse tswang diindasetering ho romelwa naheng ya Afrika.
Re a hlokomela hore haeba metheo ya disebediswa e lokela ho atleha mona Afrika, tshehetso ya ditjhelete ya poraefete ya dinaha tse ding e a hlokeha e le ho tlatsa mekgwa ena e mmedi ya tshehetso ya ditjhelete, e leng, mokitlane le thuso.
Tshebetso ya boithaopo malebana le metheo ya disebediswa e lokela ho kenyeletsa dintlha tse tla tsejwa ke mekga yohle ya metheo ya disebediswa. E lokela hape ho kenya dintlha tse o e leng tsa mokga ka ho qolleha.
Ho ntshetsa pele tsebo le bokgoni ba ho etsa mesebetsi e itseng ya thekenoloji le boenjenere ka sepheo sa ho theha, ho sebedisa le ho baballa metheo e matla ya marangrang a disebediswa mona Afrika.
Ka ho sebedisa baemedi ba mokga o ikgethileng, re lokela ho sebedisa leano le moralo wa molao bakeng sa ho kgothaletsa maikutlo a tlhodisano.
Ho tlatseletsa dintlha tsena, ho na le dintlha tsena tse latelang tse amang mokga ka ho qolleha bakeng sa metheo ya disebediswa tse fapaneng.
Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e laolwang ke tshebedisano ya dikhomputa, dikgokahano tsa mehala le bophatlalatsi bo tlwaelehileng ke dintho tsa bohlokwa bakeng sa kgwebo e theilweng hodima tsebo bakeng sa bokamoso. Ho tswela pele ho potlakileng ha thekenoloji esita le ho qepha ha phumano ya disebediswa tsa tsebo le dikgokahano tsa thekenoloji di hlahisitse le ho bula menyetla e meng e le hore dinaha tsa Afrika di tle di potlakise kgolo ya ekonomi le tswelopele. Tse ka hlahiswang ke ho thehwa ha Mmaraka o le mong le Kopano ya Afrika di ka atleha haholo ho latela diphetoho tsa tsebo ya thekenoloji.
Tshebediso ya Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ke ke ya thusa kgwebisano ka hare ho lebatowa feela empa e ka boela ya potlakisa ho ba le seabo ha Afrika tshebetsong ya lefatshe lohle e amang kgwebo.
Tshebediso e matla ya Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka baka menyetla ya tswelopele bakeng sa kontinente.
Maemo ana a tlatsetso a ka sebediswa hantle bakeng sa ho rupela e le ho dumella hore ho be le tlhahiso ya ditsebi tsa tshebediso ya Tsebo, Dikgokahano le Thekenoloji.
Tshebediso ya tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka sebediswa bakeng sa ho fedisa dikgohlano esita le hona ho fedisa malwetse a hlasetseng naha ya rona yohle mme e tla thusa bakeng sa ho hlokomedisa setjhaba e sa le nako esita le ho matlafatsa ka ho laola maemo a sa tsitsang.
Mona Afrika, metheo e fokolang ya disebediswa, leano le fokolang la tshebetso esita le mekgwa ya taolo hammoho le palo e fokolang ya basebetsi, di bakile hore ho be le tshebeletso e sa phethahalang ya fonofono, kgaso, dikhomputa esita le Inthanete. Ekaba palo e ka tlase ho tmoho a le mong ho batho ba 100 ba sebedisang marangrang a mehala mona Afrika. Ditefello tsa ditshebeletso le tsona di phahame: tefello ya ho hokelwa mona Afrika e ka ba bonyane diphesente tse 20 bakeng sa tekanyetso ya kgolo ya tlhahiso ha e bapiswa le palohare eo bonyane e leng diphesente tse 9 e sebediswang lefatsheng ka bophara esita le phesente e le nngwe bakeng sa dinaha tse nang le kuno e phahameng. Naha ya Afrika ha esale e hloleha ho sebedisa monyetla ona wa Tshebediso ya Tsebo le Dikgokahanyo e le sesebediswa bakeng sa ho ntlafatsa bophelo esita le ho etsa hore mesebetsi e metjha e be teng le hona ho theha menyetla ya tshebedisano le dinaha tse ahisaneng mane madibohong a fumanwang kontinenteng esita le mebaraka e akaretsang ka lefatshe lohle e ne e haella. Le hoja dinaha tse ngata mona Afrika di se di qadile, phetolo ya Tshebeletso ena ya Tsebo le Dikgokahanyo, ho fihlella ditshebeletso tsohle, boleng ba tshebetso esita le ditefello ha di so ntlafale.
Ho theha le hona ho hlahisa batjha le baithuti ba bangata ba Tshebeletso ya Tsebo le Dikgokahanyo bao ho bona naha ya Afrika e ka fumanang batho ba tla kwetlisetswa ho ba baenjere ba Tshebeletso ya Tsebo le Dikgokahanyo, bahlophisi ba mananeo le bathehi ba software?
Ho sebedisana le ditsha tsa ditjhelete le ntshetsopele mona Afrika, baithaopi ba fapaneng (ba G-8 Dotforce, Lebotho la Tshebetso la Dinaha tse Kopaneng) esita le bafani bakeng sa ho theha mekgwa ya tshehetso ya ditjhelete bakeng sa ho fokotsa mathata a ka nnang a hlaha.
Eneji e na le bohlokwa bo boholo leanong la ntshetsopele jwalo ka sesebediswa sa ka tlong esita le sesebediswa sa bohlokwa tlhahisong. Thekiso ya eneji e ama theko ya thepa le mesebetsi e meng ka ho otloloha esita le hona ho hlodisana ha barekisi. Ere ka ha matlotlo a mofuta ona a sa arolwa ka ho lekana ka hara kontinente, ho kgothaletswa hore ho fumanwe eneji e ngata empa e theko e tlase e le ho arolela mabatowa a fapaneng ka ho lekana. Ho feta mona, naha ya Afrika e lokela ho leka ho iketsetsa phepelo ya eneji ka tsela ya ho fehlwa ha eneji ke letsatsi (solar) e leng phepelo e seng e fumaneha ya eneji.
Ho fetola le ho natlafatsa melawana ya tshebediso ya peterole ka hare ho kontinente.
Ho eketsa boholo ba lenaneo la poloko ya eneji ke ba Setjhaba sa Ntshetsopele sa Afrika Borwa esita le batho bohle ba kontinente.
Ho eketsa palo ya bapalami ba difofane le tshebeletso e hokelang ya difofane ho potoloha ka nqane ho mabatowa a manyenyane a Afrika.
Ho theha tshebedisano e ntle pakeng tsa Setjhaba le Mokga wa Poraefete bakeng sa ho arolwa ha tshebeletso kapa indaseteri ena ya difofane esita le hona ho theha taolo ya sephethephethe se tsamayang moyeng.
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le mokgwa wa nosetso o atlehileng esita le temo e atlehiswang ke metsi a pula e le ho atlehisa tlhahiso ya temo le yona paballo ya dijo.
Ho potlakisa mosebetsi mabapi le merero ya metsi, mohlala, diphuputso tsa Bongodi ba Metsi ba Setjhaba sa Ntshetsopele sa Afrika Borwa mabapi le tshebediso ya noka ya Khonko le boithaopo malebana le Noka ya Nile.
Ho tshehetsa lenaneo la Ditjhaba tse Kopaneng malebana le Paballo ya Metsi Ditoropong tse kgolo tsa Afrika.
Ho tshehetsa mekutu yohle e ntseng e etswa bakeng sa ho fokotsa bofutsana boemong bo phahameng, jwalo ka Moralo wa Ntshetsopele wa Banka ya Lefatshe esita le Mokgwa wa Phediso ya Bofutsana o amang boithaopo ba ho thusa Dinaha tse nang le melato e phahameng mme di futsanehile.
Ho ntlafatsa marangrang a ikgethileng a diphuputso le ditsha tsa thuto e phahameng.
Ho theha sehlopha sa tshebetso ho lekola le ho hlahisa ditshisinyo bakeng sa diphuputso tse hlokehang lebatoweng ka leng lebatoweng le leng le le leng la kontinente.
Mathata a sehlooho a thuto mona Afrika ke disebediswa tse fokolang esita le kwetliso e sa phethahalang eo Maafrika a mangata a e fumanang. Maafrika a kwetlisitsweng dinaheng tse ding mona lefatsheng a bontshitse bokgoni ba ona ba ho phehisana ka katleho.
Moralo ona o tshehetsa matlafatso ya tshebetso ya dijunivesithi ho potoloha Afrika yohle esita le ho theha dijunivesithi tse ikgethileng haeba ho hlokeha, ho hlahisa barupelli ba Maafrika. Bohlokwa ba ho theha le ho matlafatsa ditsha tsa thekenoloji bo hlile bo a hatellwa.
Ho theha mekgwa ya ho sebedisa tsebo ya saense le thekenoloji esita le bokgoni ba Maafrika bakeng sa tswelopele ya Afrika.
Etsa hore ho be le maemo a lokileng a sepolotiki, botjhaba le kgwebo mme e le maemo a tla kgothaletsa hore mathata a ho touta ha kelello a fele mme ho be le tswelopele ya ho etsa matsete.
Ho bokella dintlha tse lekaneng bakeng sa ho fedisa mathata kelello e sa phomolang e leng ho fumana boholo ba bothata esita le ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisanoya batho ba nang le tsebo naheng ya rona?
Ho theha marangrang a tshebedisano a saense le tekgeniki bakeng sa ho etsa hore tsebo ena ya saense e tshwanele naha eo e leng ya yona ya sethatho le hona ho theha tshebedisano pakeng tsa ba phelang mose ho mawatle le ba phelang naheng ena.
Ho etsa bonnete ba hore tsebo e tiileng ya Mafrika a phelang dinaheng tse tswetseng pele e sebediswa bakeng sa ho phetha merero e lebeletsweng ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika.
Ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano pakeng tsa dingaka tsa sekgowa le tsa setho.
Ho bokella matlotlo bakeng sa ho eketsa bokgoni e le ho thusa dinaha tsa Afrika ho ntlafatsa metheo ya disebediswa bakeng sa bophelo bo botle le bolaodi bo hlwahlwa.
Afrika ke lehae la malwetse a mang a ikgethileng e leng a hlaha teng feela. Baketheria le dinwamadi tse jalwang ke dikokwanyana, ho falla ha batho esita le mehlodi e meng, di tletse ka lebaka la hobane di rata sebaka sa tikoloho e fokolang esita le maemo a futsanehileng. Tse ding tsa ditshitiso tsa tswelopele ya Afrika ke ho ata ha mahloko a tshwaetsang, mme haholoholo tshwaetso ya HIV e bakang AIDS, lefuba le malaria. Haeba mahloko ana a sa phekolwe, phaello le katleho ya batho e tla ka toro.
Ha re tadima lefapha la bophelo bo botle, re fumana hore naha ya Afrika e a fokola ha e bapiswa le dinaha tse ding tsa lefatshe. Ka 1997 mafu a bana le batjha e ne e ka ba 105 le 169 ho 1000, ha e bapiswa le 6 le 7 ho 1000 ka tatellano dinaheng tse tswetseng pele. Nako e lebeletsweng ya dilemo tsa ho phela ha motho e ka ba dilemo tse 48.9 ha e bapiswa le dilemo tse 77.7 e fumanehang dinaheng tse tswetseng pele. Ke dingaka feela tse 16 tse fumanehang bakeng sa phekolo ya batho ba 100 000 ha e bapiswa le palo ya dingaka tse 253 dinaheng tse tswetseng pele. Bofutsana jwalo ka ha bo totobatswa ke meputso e tlase ke bo bong ba mathata a bakang hore setjhaba se hlolehe ho rarolla mathata a sona.
Phepo e ntle ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa bakeng sa bophelo bo botle. Palohare ya dikhalori e fapana ho tloha ho 2384 dinaheng tsa kuno e tlase ho ya ho 2846 ho dinaha tse kuno e mahareng ho qetella ka 3390 dinaheng tsa Mokgatlo wa Tshebedisano ya Kgwebo le Tswelopele.
Bophelo jwalo ka ha bo hlaloswa ke Mokgatlo wa Bophelo bo botle wa Lefatshe e le mmele le kelello e phetseng hantle, bo eketsa tlhahiso le ho ntshetsa pele kgwebo. Mohlala o totobetseng wa ntlafatso ya bophelo bo botle mesebetsing mme hona ke phokotso ya matsatsi a senyehang ka lebaka la ho kula, keketso ya tlhahiso esita le hona ho fumana monyetla wa ho amohela mesebetsi e lefang meputso e bohalang. Qetellong ntlafatso ena ya bophelo bo botle esita le phepo e nepahetseng di tiisa hore ho be le bophelo bo monate ka lebaka la hobane ho nama ha mahloko ana ho fedisitswe, mafu a masea a fokotsehile mme palo ya dilemo tseo motho a ka di phelang e phahame. Tsena tsohle di amana le phokotso ya bofutsana.
Bongata ba batho ba Afrika bo phela dibakeng tsa mapolasi. Le ha ho le jwalo, mekgwa ya temo ka kakaretso e a fokola mme ha e na tjhai e lekaneng. Ka lebaka la mathata a mang a ka thoko jwalo ka maemo a lehodimo a sa tshepeheng, ho ba le leeme leanong la kgwebo esita le hona ho fetofetoha ha theko ya thepa e rekiswang, mekgwa ena ya temo e bakile hore ho be le phokolo ya phepelo ya dihlahiswa tsa temo esita le tjhelete e kenang metseng eo ya mapolasi mme hona ho bakile hore ho be le bofutsana.
Tlhoko ya paballo ya tshireletso ya dijo dinaheng tsena tsa Afrika e etsa hore mathata ana a tshebetso e fokolang ya temo e hlophiswe hantle e le hore tjhai ya dijo e tle e ate mme maemo a phepo e ntle a tle a phahame.
Ntlafatso ya tjhai temong ke ntho ya bohlokwa ntshetsopeleng ya kgwebo mon kontinenteng ena. Ho phahama ha theko ya dihlahiswa tsa temo ho tla etsa hore ho be le tlhoko e matla bakeng sa thepa e hlahiswang naheng ya Afrika. Ho ntlafala ha tsena tsohle ho tla baka hore ho be le kgolo e matla ya moruo.
Keketso ya tjhai e lekaneng temong e itshetlehile tabeng ya ho fediswa ha mathata a amang mokga ona. Bothata bo boholo ke maemo a sa tshepahaleng a lehodimo e leng ho etsang hore ho be le hona hore ho ka ba le mathata temong ho latela palo e phahameng ya batho ba batlang ho tsetela kwano. Qetellong mebuso e lokela ho thusa ka hore ho be le thepa ya nosetso le ho hlopha naha e ntle haeba baemedi ba itshebeletsang ba sa rate ho etsa jwalo. Ntlafatso ya metheo e meng ya disebediswa metseng ya mapolasi (ditsela, phepelo ya motlakase, jwalojwalo) le yona ke ntho ya bohlokwa.
Maemo a temo tikolohong a tshwaetsa tlhahiso le tshebetso e ntle ya lekala le itseng la kgwebo. Tshehetso ya setsha ka tsela ya ditsha tsa diphuputso le dithupello, ho fana ka keketso le mesebetsi ya thuso le kgwebisano ya temo di tla tsosolosa tlhahiso ya tswala e bonahalang. Moralo wa bolaodi ba temo o lokela hore le ona o hlokomelwe esita le hona ho kgothaletsa baetapele ba setjhaba se phelang mapolasing esita le ho ba le seabo ha ditjhaba tsena leanong le thahisong ya mesebetsi.
Banyehedi le ditsha tsa temo ha ba ka ba ikgathatsa hakaalo ka ho natsa lekala la temo le ntshetsopele ya mapolasi e leng moo palo e ka etsang diphesente tse 70 ya batho ba futsanehileng mona Afrika ba phelang teng. Ha re tea ka mohlala re fumana hore mosebetsi wa dikadimo wa Banka ya Lefatshe o nehelane ka dinyehelo tsa tjhelete bakeng sa temo tse ka bang diphesente tse 39 ka selemo sa 1978 empa ya boela ya theohela ho diphesente tse 12 ka selemo sa 1996 le ho isa hape ho diphesente tse 7 ka selemo sa 2000. Batho bana bao e leng banyehedi ba lokela ho fetola maemo ana a hlobaetsang a ditaba.
Ho se ho hlokomelehile hore tikoloho e nang le bophelo bo botle esita le tjhai e lekaneng ke motheo wa Tshebedisano e ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika. Ho se ho bile ho hlokomelehile hore ho na le dintlha tse ngata tse ka thusang ho atlehisa tikoloho empa le ha ho le jwalo, tshebedisano ka boithaopo ke ntho e hlokehang bakeng sa ho ntshetsa pele lenaneo le atlehileng la ntshetsopele ya tikoloho. Hona ho tla hloka hore ho etswe kgetho, mme dintlha tse ding tse itseng di hlophiswe ka tatelano bakeng sa boikitlaetso bo tshwanelehang.
Ho boetse ho hlokomelehile hore morero wa motheo wa Boithaopo malebana le tikoloho e loketse ho ba phediso ya bofutsana le ntshetsopele ya moruo wa setjhaba mona Afrika. Ho hlakisitswe hore dikarolong tse ding tsa lefatshe hore boikitlaetso bo etswang ho fihlella tikoloho e atlehileng bo ka ntshetsa pele keketseho ya mesebetsi, tswelopele ya setjhaba le moruo le phokotso ya bofutsana.
Re lokela ho bolela mona hore naha ya Afrika e tla ba le Seboka sa Lefatshe malebana le Tswelopele e tswellang ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2002, mme ntshetsopele ya tikoloho e tla ba ona mohlodi wa dipuisano tsa Seboka seo. Mabapi le taba ena re kgothaletsa hore ketsahalo ena e hle e hatelle dipuisano hodima sehlooho sena Tshebedisanong ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika.
Ho fedisa boikgethollo kapa ho itshehla thajana. Tshebetso ena ya thuso e reretswe ho thusa lefatshe le senyehileng le ho rarolla mathata a bakileng tshenyeho eo. Mehato e mengata ya mofuta ona e tla ba e thehilweng mesebetsing ho latela lenaneo la mananeo a mesebetsi ya setjhaba mme ka tsela e jwalo e le ho kgothaletsa ntshetsopele ya ditlhoko tsa setjhaba tse malebana le kontinente ena?
Paballo ya naha e mongobo. Hona ho qosa hore ho sebediswe mekgwa e nepahetseng ya paballo ya naha e mongobo e leng moo matlotlo a setjhaba le boithuti ba lefatshe bo theilweng teng ke lekala la poraefete la matsete tikolohong ena.
Diphedi tse sa tsebisahaleng tsa mekenella. Batho ba sebedisanang ba lokela ho fedisa le ho thibela diphedi tsena tse sa tsebisahaleng tsa mekenella. Tshebedisano tsena tsa mofuta ona di molemo bakeng sa ntlafatso ya naha le tswelopele ya moruo.
Bolaodi ba mabopo.
Keketseho ya Themperetjhara atmosefereng ya lefatshe: Mosebetsi wa pele e tla ba wa ho lebela le ho laola sephetho sa ho fetoha ha tlelaemete. Ho tla hlokeha hore ho sebetswe ka matla bakeng sa ho nyalanya tsamaiso ya diprojeke tsa mollo.
Paballo ya Madiboho.
Puso ya Tikoloho.
Kabo ya Ditjhelete. Ho hlokeha tsela ya tshebetso e ntle mme e tshepahalang bakeng sa ho aba ditjhelete.
Boithaopo bona bo malebana le tikoloho bo na le molemo o ikgethang ka lebaka la hobane merero e mengata e ka qala nakong e kgutshwanyane mme ba fana ka thuto ya bohlokwa malebana le matsete ho latela motheo wa setjhaba le tshebetso ya lefatshe tseo ho tsona ho theilweng Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika mme e ka atlehang.
Moetlo ke karolo ya bohlokwa ya mekutu ya tswelopele kontinenteng. Ho a hlokeha hore qetellong re baballe mme re be re sebedise ka nepo tsebo ya rona ya sethatho e totobatsang karolo ya bohlokwa ya moetlo wa kontinente ya rona esita le ho tsebisana taba tsena bakeng sa ntshetsopele ya batho. Leano lena la Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika le tla hatella haholo paballo ya tsebo ya sethatho ya setso, e leng tsebo e akaretsang tsela ya ho bala le ho ngola ya setso, bonono le mesebetsi e itseng ya saense, diqatjwa, ditshibollo ka tsela ya saense, meralo, matshwao, mabitso, tsebo e so phatlalatswe esita le diqatjwa tsohle tse theilweng setsong esita le ditshibollo tse hlahiswang ke mesebetsi ya boinahanelo bo matla ba kelello ho tsa indaseteri, saense, dingolwa kapa boiqapelo. Hona ho akaretsa mehlodi ya sethatho hammoho le tsebo e amehang.
Baetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba tla nka mehato ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore tsebo ya setso sa rona mona Afrika e baballwa ke molao o tshwanelehileng. Ba tla ntshetsa pele paballo ya yona maemong a matjhaba ka ho sebedisana le Mokgatlo wa Lefatshe wa Disebediswa tse thusang Monahano.
Ho utlwisisa le ho fetola thekenoloji e seng e le teng e le ho fapafapanya mekgwa ya tlhahiso ya dihlahiswa.
Ho sebedisana le UNESCO, Mokgatlo wa Temo le Dijo esita le mekgatlo e meng ya matjhaba bakeng sa ho sebedisa tsebo ya theenoloji ya diphedi e le ho ntshetsa pele tsebo ya mefuta e fapaneng ya diphedi tsa lefatshe esita le tsebo ya setso ka ho ntlafatsa dihlahiswa tsa temo esita le thepa kapa meriana e rekiswang dikhemising.
Ho theha le ho ntshetsa pele boenjenere ba boitsebelo ba dihlahiswa le taolo ya boemo bo phahameng bakeng sa ho tshehetsa diphetolo mabapi le etsa dihlahiswa tse itseng.
Bakeng sa ho fihlella palo e lebeletswng ya diphesente tse 7 ka selemo e le pontsho ya kamoo tswelopele le kgolo di bang ka teng bakeng sa ho fihlella moqhaka wa tswelopele o lebeletsweng ke matjhaba - haholoholo moqhaka wa ho fokotsa palo ya Maafrika a phelang ka bofutsana ka halofo selemong sa 2015 - Afrika e lokela ho tlatsa sekgeo sa diphesente tse 12 sa kuno ya selemo mabapi le Kgolo ya Dihlahiswa kapa dibilione tse 64 tsa didolara tsa Amerika. Hona ho tla qosa hore ho be le pokello ya dihlahiswa tsa lehae e bonahalang hammoho le dintlafatso malebana le tsamaiso ya ditjhelete tsa setjhaba. Le ha ho le jwalo, boholo ba matlotlo a hlokehang bo tla lokela ho fumanwa dibakeng tse ka ntle ho kontinente. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tobane le ho fokotsa melato le Thuso ya Ntshetsopele ya Dinaha tsa mose e le a mang a matlotlo a ka thoko a hlokehang nakong e kgutshwanyane ho isa e mahareng mme hape e shebana le tshebediso ya tjhelete ya poraefete e le taba e hlokolotsi ya nako e telele tlang. Leano la motheo la Boithaopo malebana le Tshebediso ya Tjhelete ke hore puso e ntlafetseng ke ntho ya bohlokwa bakeng sa tshebediso ya kamehla ya tjhelete mme ka lebaka leo ho ba le seabo Pusong ya Boithaopo ba Kgwebo le Dipolotiki ke motheo wa ho ba le seabo Bothaopong ba Tshebediso ya Tjhelete.
E le hore naha ya Afrika e tle e hole mme e be e fokotse bofutsana ka nepo, e lokela ho bokella matlotlo a mang hape a tlatsetso e le matlotlo a lehae kapa a dinaha tse ding. Matlotlo a lehae a akaretsa pokello ya dintho tse bokeleditsweng difemeng esita le tse sebediswang malapeng, mme pokello ena e lokela ho eketswa haholo. Ho feta mona, ho lokela ho be le mokgwa o motjha wa ho bokella lekgethoe le ho ntshetsa pele matlotlo a setjhaba esita le hona ho hlophisa botjha ditshenyehelo tsa mmuso. Karolo e kgolo ya pokello ya lehae e a lahleha kgwebong ya Afrika ka lebaka la ho phahama ha maemo a ditjhelete. Hona ho ka fetolwa feela ha dikgwebo tsa Afrika di ka kgahlisa mme tsa hohela baahi ho ntshetsa pele leruo la bona. Ka lebaka lena, ho a hlokeha hore ho thehwe maemo a ntshetsang pele matsetse a mokga wa poraefete a ka etswang ke batsetedi ba lehae le ba dinaha tse ding. Ho feta mona, ho na le matlotlo a mang a ka nna a b okeletswa ka hare ho Afrika mme ka lehlakoreng le leng ho etswa kopo ho dinaha tse tswetseng pele ho etsa tshepiso ho latela Melawana ya Ditjhelete ho tshehetsa moralo ona. Ka ho etsa jwalo ba ke ke ba ama thepa eo ba seng ba ntse ba na le yona. Qetellong re kgothaletsa hore ho thehwe Ditokelo tse Ikgethileng bakeng sa Afrika.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e batla ho be le keketso ya nako ya phediso ya melato e fetang maemo a tlwaelehileng mme ho ntse ho lebeletswe hore ho be le ditefello tsa ditshelebeletso tsa melato tse fihlang palong e bonahalang bakeng sa ho tlatsa dikgeo tsa matlotlo. Sepheo sa nako e telele sa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke ho amanya phediso ya melato le tse tla fihlellwa ha ho fokotswa bofutsana. Ho sa ntse ho le jwalo, mesebetsi ya phediso ya melato e lokela ho amohelwa e le karolo ya tshebeletso ya ditjhelete le lekgetho dinaheng tsa Thuso ya Tswelopele le dinaheng tseo eseng tsa Thuso ya Tswelopele. E le hore re tsebe ho hlokomela ho ba le seabo ha matlotlo - phediso ya melato hammoho le Thuso ya Tswelopele e hlahang dinaheng tse ka ntle di lokela ho totobatsa seo Afrika e se hlokang mme boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla buisana le ho hlophisa hantle le mebuso ya batsetedi.
Baetapele ba mmuso ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba tla batla tumello eo ho buisanweng ka yona hammoho le batho ba matjhaba ho hlahisa tsela ya phediso ya melato bakeng sa dinaha tse nang le seabo Tshebedisanong ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho latela maano a seng a boletswe ka hodimo.
Boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla theha foramo eo ho yona dinaha tsa Afrika di tla buisana ka boiphihlelo ba tsona le ho etsa ditlhophiso bakeng sa ho ntlafatsa mekgwa ya phediso ya melato. Ba tla buisana ka tse tla qetela mosebetsi o ntseng o tswella wa ntjhafatso esita le hona ho ba le tokelo ya ho ba le seabo mosebetsing wa ho thusa leanong la Dinaha tse Futsanehileng.
Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e batla tshebetso e eketsehileng ya Thuso ya Dinaha tsa Matjhaba ka dipuo tse tlwaelehileng esita le mokgwa wa tshebetso wa Thuso ya Dinaha tsa Mose ho mawatle o ntjhafetseng ho etsa bonnete ba hore thuso tsa mofuta ona di amohelelwa hantle ke dinaha tsa Afrika tse lokelang ho di amohela. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla theha foramo ya Thuso la Dinaha tsa Mose ho mawatle bakeng sa dinaha tsa Afrika e le ho theha kutlwano le mohopolo o le mong wa Maafrika mabapi le ntjhafatso ena ya Thuso ya Dinaha tsa Mose ho mawatle esita le ho sebetsa hammoho le Komiti ya Ntshetsopele ya Thuso esita le banyehedi ba bang e le ho hlahisa lengolo boitseko le hlokomelang tswelopele ya dinaha tse sebedisanang hammoho. Lengolo lena le tla totobatsa hore Boithaopo ba Talo ya Kgwebo ke motheo wa ho ntshetsa pele bokgoni ba dinaha tsa Afrika bakeng sa ho sebedisa tshebeletso e ntlafetseng ya thuso ya dinaha tsa mose ho mawatle. Lengolo lena le tla be le kgothaletse hore ho be le mokgwa wa ho hlahloba bakeng sa ho laola boiteko ba banyehedi. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla tshehetsa Sehlopha sa Dithuto sa Phediso ya Bofutsana bakeng sa ho sebetsa ka thata mosebetsing ona wa phediso ya bofutsana hammoho le Letlole la Ditjhelete esita le Banka ya Lefatshe.
Ho theha mokgwa o ikgethileng bakeng sa ho hlahloba tshebetso ya naha e nyehelang esita le e amohelang.
Ntlha ya pele eo e leng ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ya ho fetola mohopolo wa batsetedi ba Afrika ba hopolang hore naha ena ke naha e ka hlahelwang ke mathata, haholoholo ha re tadima pabalo ya ditokelo tsa thepa, moralo wa melao esita le mebaraka. Ho na le dikarolwana tsa motheo tsa bohlokwa tsa Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsoipele ya Afrika tse tla fokotsa tshabo ena hanyenyane hanyenyane mme ho bile ho kenyeletswa le boithaopo malebana le kgotso le paballo, dipolotiki le kgwebo, disebediswa tsa motheo esita le phokotso ya bofutsana. Ho tla ba le tlhophiso ya nakwana bakeng sa thibelo ya menahano ena ya tshabo hammoho le meralo ya netefatso ya mekitlane esita le mekgwa e matla ya molao le taolo. Ntlha ya bobedi ya bohlokwa e tla ba lenaneo la tshebedisano ya Setjhaba le Mokga wa Poraefete mme e le lenaneo le ahang bokgoni ka tshehetso ya Banka ya Ntshetsopele ya Afrika esita le dibanka tse ding tsa lebatowa e le ho thusa mebuso ya setjhaba le mebuso e menyenyane ya setjhaba mabapi le ho bopa le ho laola tshebedisano bakeng sa phumantsho ya disebediswa tsa motheo esita le mesebetsi e meng ya setjhaba. Ntlha ya boraro ya bohlokwa e tla ba ho ntshetsa pele mebaraka ya ditjhelete ka hare ho dinaha esita le ho theha kgotso mane madibohong le yona tshebedisano ya kopanelo ka thuso ya Sehlopha sa Tshebetso sa Mebaraka ya Tjhelete. Ho tloha sethathong hona ho tla hle ho shebane le taolo ya tshebediso ya tjhelete.
Ho theha maikutlo a boithaopo mabapi le ho ntlafatsa bokgoni ba dinaha tse ding ho amohela tshebedisano kapa kamano pakeng tsa Setjhaba le mokga wa poraefete.
Ho theha Sehlopha sa Tshebetso sa Mebaraka ya Tjhelete se tla potlakisa kamano ya mebaraka ya tjhelete ka ho theha moralo wa molao le taolo le hona ho theha boemo bo le bong ba kgwebo ka hare ho Afrika.
Taba eo le yona e ntseng e le ya bohlokwa, haholoholo ha re tadima nako e kgutshwanyane e tlang ho isa e mahareng ke keketso ya Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle esita le phokotso ya melato kapa dikoloto. Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle e a hlokeha e le ho thusa dinaha tse sa tswelang pele haholo hore di kgone ho fihlella tse lebeletsweng ho tsona boemong ba matjhaba, haholoholo ha re sheba lehlakore la thuto ya motheo, phediso ya malwetse le bofutsana. Phokotso e nngwe hape ya melato le yona ke ya bohlokwa. Boithaopo bo phahameng ba Dinaha tse futsanehileng ke melato bo ntse bo bakela dinaha tse ngata tseo di di laolang melato e boima mme ke ka lona lebaka lena ho lokelang hore ho tshehetswe ka matlotlo letsholo lena la phokotso ya bofutsana. Ho feta mona, ho ntse ho na le dinaha tse sa kenyeletswang Boithaopong bona ba Dinaha tse futsanehileng ke melato mme e le dinaha tse hlokang phediso ya melato e le ho fumana matlotlo a ho fedisa bofutsana.
Dikgwebo tsa Afrika di batla di thekesela di fokola ka lebaka la ho itshetleha ka tlhahiso le mekga ya matlotlo a itseng le thomello ya yona e fokolang. Ho hlokeha haholo hore hore ho fetofetolwe dihlahiswa mme moralo wa pele ke ho sebedisa dihlahiswa tsa tlhaho tsa Afrika. Ho lokela hore ho kgothaletswe temo le bohlokwa ba dimenerale mme ho thehwe mokga wa thepa e rekiswang ka ho latela mokgwa ona oo wa ho fetola kgwebo ka ho sebedisa thepa e fumanehang hona naheng ena. Ho lokela hore ho tshehetswe dikgwebo tsa poraefete hammoho le dikgweb o tse nyenyane esita le tse mahareng mokgeng wa tlhahiso e leng metheo ya bohlokwa ya kgolo le tswelopele. Mmuso o lokela ho fedisa ditshitiso tshebetsong ya kgwebo mme o kgothaletse dikgwebo tsa boiqapelo tsa borakwebo ba Maafrika.
Ho ba setho se hlwahlwa ntshetsopeleng ya saense ya temo le thekenoloji.
Ho hatella hore ho be le paballo ya dijo boemong ba mabatowa a manyenyane, boemong ba naha esita le malapeng ka ho sebedisa ntshetsopele le taolo ya tlhahiso e eketsehileng, dipalangwang, poloko le thekiso ya peo ya dijo tse lengwang, mehlape esita le dihlapi.
Ho fokotsa tshekamelo ya thekiso metseng ya ditoropo mona Afrika ka ho fetolela matlotlo hore a tswe metseng ya ditoropo ho leba mapolasing.
Ho tshehetsa kaho ya bokgoni ba ho ba le dipuisano tsa kgwebo boemong ba naha le lebatowa hammoho le tlhwekiso ya dijo esita le melawana e meng ya kgwebo ya temo.
Ho sibolla tshebetso e hlwahlwa e ka thusang ho etsa bonnete ba hore ho rashwa matlotlo a tlhaho esita le dimenerale tsa boemo bo phahameng.
Ho theha Sekolo sa Tshebetso ya Merafo ya Afrika (bakeng sa ntshetsopele le tlhahiso ya thuto, mesebetsi e itseng le kwetliso maemong ohle). Hona ho ka fihlellwa ka tsela ya tshebedisano pakeng tsa dikolo tse seng di ntse di le teng.
Ho amanya meralo ya botekgeniki ya dinaha tsa Afrika.
Ho ba setho se tshwanelehang sa mekgatlo ya matjhaba.
Ho theha ditsha tsa setjhaba tsa tekanyo e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le tshebedisano le tshebetso ya ditekanyo ya matjhaba.
Ho etsa bonnete ba hore dilaboratori tsa ho etsetsa diteko le mekgatlo ya disetifikeiti di thusa melawana ya setjhaba ya tekgeniki.
Ho theha dibaka tsa disebediswa tsa motheo jwalo ka Mokgatlo wa Matjhaba wa Tshupo ya Maemo o amohelwang dinaheng tsohle tsa matjhaba. Ditsha tsena tsa bohlokwa tsa tsepamiso ya maemo di ka ba boemong ba naha moo indaseteri e leng matla empa haeba ho se jwalo di ka ba mabatoweng.
Ho kgothaletsa kananelo ya diteko le diphetho tsa disetifikeiti le ba dikgwebo tse kgolo tsa Afrika. Ka kakaretso hona ho ka ba bobebe feela ha haeba moralo wa maemo, melawana ya botekgeniki, tekanyo, le kananelo di le teng mme di ka sebediswa ho ikamahanya le ditshwanelo tsa matjhaba.
Ho potlakisa hore ho be le tshebedisano ka tsela ya ntshetsopele ya mekgwa, jwalo ka makgotla a kopaneng a kgwebo, bakeng sa phetiso ya tsebo pakeng tsa difeme tseo eseng tsa Maafrika le tsa Maafrika le hona ho sebeletsa ho theha ditshebeletso tsa kopanelo le tsa ho theha dikonteraka tse nyenyane.
Ho ntshetsa pele le ho amohela moralo o motle wa tshebetso bakeng sa melawana ya botekgeniki e ikamahanyang le dipehelo tsa Tumellano ya Mokgatlo wa Kgwebo wa Lefatshe ho Ditshitiso tsa Setekgeniki tsa Kgwebo esita le ditlhoko tsa Afrika.
Ho theha Biro ya Maemo e tla fa indaseteri le mmuso tsebo e hlokehang malebana le maemo a matjhaba, mabatowa le naha mme ka tsela e jwalo ya ntshetsa mmaraka pele.
Ho etsa bonnete ba hore ho thehwa mekgatlo ya maemo a mabatowa le naha ka ho theha dikomiti tse tshwanelehang tsa setekgeniki tse emelang ba nang le seabo dinaheng tse fapaneng esita le ho laola dikomiti tseo ka ho latela Mokgatlo wa Matjhaba wa Maemo le Bolaodi ba Khomishene ya Matjhaba ya Botekgeniki ba Eleketeroniki esita le dipehelo tsa tumellano ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo.
Ho ntshetsa pele setswalle le tshebedisano jwalo ka tshebedisano e theilweng ho latela mekgatlo ya mabatowa a manyenyane. Mehlala e akaretsa Mokgatlo wa Bohahlaudi ba Lebatowa wa Afrika e ka Borwa, Setjhaba sa ntshetsopele ya Kgwebo sa Dinaha tsa Afrika Bophirimela esita le Setjhaba sa Ntshetsopele ya Afrika Borwa.
Ho ntshetsa pele melemo ya rona jwalo ka ha e tswa ditlhokong tsa bihahlahudi ka ho theha matsholo a ikgethileng a lebaneng le bareki.
Ditshebeletso di ka theha menyetla ya bohlokwa ya tshebetso bakeng sa dinaha tsa Afrika mme ka ho qolleha re bua ka dinaha tse ipabolang mererong ya Thekenoloji ya Ditsebiso le Dikgokahanyo.
Ho theha mesebetsi e menyenyane le e mahareng mme re kenyeletsa le mokga o sa behelwang melao.
Ho matlafatsa le ho kgothaletsa diindaseteri tse nyenyane esita le tse bohareng ka tshehetso e tshwanelehang ya setekgeniki ho tloha ho ditsha tsa mesebetsi le setjha sa tswelopele esita le ho ntshetsa pele tokelo ya ho fumana tjhelete ka ho matlafatsa mehato e menyenyane ya tshehetso ya ditjhelete le ho kgothaletsa barekisi ba basadi.
Ho fana ka tshehetso ya setekgeniki mabapi le ntshetsopele ya tikoloho ya bolaodi, ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng le ho theha mehato ya tshehetso ya ditjhelete bakeng sa mokgwa wa poraefete wa Afrika.
Ho sebetsana le kgaello ya mesebetsi e itseng ya nako e kgutswanyane ka dikgothaletso le ka kwetliso.
Ho theola lekgetho la thepa e tswang dinaheng tse ding.
Dihlooho tsa mmuso tsa Afrika di lokela ho etsa bonnete ba ho ba le seabo se tiileng tshebeletsong ya kgwebo e laolwang le ho okamelwa ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo ho tloha selemong sa 1995. Ha ho se ho qadilwe ka dipuisano tsa kgwebo e lokela ho ananela le ho hlokomela ditabatabelo tsa kontinente ya Afrika, le ditlhoko mabapi le melao ya bokamoso ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo.
Thuso ya setekgeniki le tshehetso bakeng sa ho matlafatsa bokgoni ba ditsha tsa mebuso ya Afrika bakeng sa ho sebedisa Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo le hona ho ba le seabo dipuisanong tse malebana le kgwebo.
Mabapi le tshehetso e matla ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo, dihlooho tsa mebuso ya Afrika di lokela ho lemoha moo ho lokelang ho tshehetswe teng mme ho matlafatswe seabo sa kgwebo ntshetsopeleng ya kontinente.
Tshebetso e ntjhafaditsweng ya sepolotiki ke dinaha tsa Afrika ho matlafatsa le ho ntlafatsa boiteko ba boithaopo mona kontinenteng. Mabapi le sena, ho lokela hore ho tadingwe: . Tsela ya kgwebo e hlokehang bakeng sa kgwebo ka hara Afrika; . Ho latela maano a lehae a kgwebo ya lebatowa e le ho eketsa bokgoni ba kgwebisano e hlokehang bakeng sa kgwebo ya mab atowa.
Dihlooho tsa Mmuso di lokela ho: . Baballa le tsitsisa tshwaro e ntle ke dinaha tse tswetseng pele tsa setswalle, mohlala: Tshebetso e akaretsang ya ditabatabelo, Tumellano ya Khotonou, Eseng letho empa dihlomo esita le Molao wa Kgolo le Menyetla Afrika; . Ho etsa bonnet ba hore tokoloho ya phapanyetsano ha e fedise diphaello tsa ditlhophiso tsena; . Ho lemoha le ho sebetsana le dikgaello mabapi le ho etsa le tshebediso?
Baetapele ba Afrika ba dumela hore ntlafatso ya ho ba le monyetla wa ho sebedisa mmaraka wa dinaha tse tswetseng pele ka indaseteri mabapi le dihlahiswa tseo Afrika e leng motlotlo ka tsona, ke ntho ya bohlokwa. Le hoja ho bile le dintlafatso ho latela ditefello tse tlase ka dilemo tse fetileng, ho ntse ho na le mekgelo e totobetseng mabapi le ditefello le hoja ditshitiso tse sa ameng ditefo tsona di baka mathata a maholo. Tswelopele ya tlhahiso ena e tla hodisa tswelopele ya moruo le ho fetolwa ha tlhahiso ya Afrika le tse romellwang dineaheng tse ding. Ho itshetleha ka Thuso ya ntshetsopele e hlahang dinaheng tsa mose ho mawatle e tla fokotseha mme merero ya disebediswa tsa motheo e tla eketseha ka lebaka la mesebetsi ya kgwebo.
Afrika e hlokomela diketso tse hlokang toka tse ileng tsa etsahala mengwahaketekgolong e fetileng mme e batla ho di lokisa. Mosebetsi wa bohlokwa wa tshebedisano ena e ntjha ke ho sebetsa hammoho ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba Afrika ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ka lebaka lena ho na le kopanelo ho tsohle tse lokelang ho etswa le tse molemo tse tla fumanwa bakeng sa Afrika le dinaha tseo e sebedisanang le tsona.
Diphetoho tsena tsa thekenoloji tsa tshebetso ya lefatshe di batla keketseho ya mehlodi ya matlotlo, ho hola ha mebaraka, ditshibollo tse ntjha tsa saense, mesebetsi ya kopanelo ya mahlale a motho ka mong esita le taolo e nepahetseng ya tlhokomelo ya mobu. Re a hlokomela hore tse dimenerale tse ngata tsa Afrika esita le dintho tse itseng ke matlotlo a bohlokwa a tsheheditseng tlhahiso dinaheng tse tswetseng pele.
Ka hodima mohlodi ona wa bohlokwa wa matlotlo, Afrika e thusa ka mmaraka o ntseng o hodileng o bileng o ntseng o hola bakeng sa bahlahisi ba fapaneng ka lefatshe lohle. Naha e ntseng e tswela pele ya Afrika ka lebaka la basebetsi ba yona ba nang le boitsebelo mme ba ntseng ba eketseha ba ka theha mmaraka o ntseng o hola bakeng sa dihlahiswa tsa lefatshe, thepa le mesebetsi e mahareng.
Ka lehlakore le leng, Afrika e fana ka monyetla bakeng sa ho tsetela. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e theha menyetla bakeng sa mekutu ya matjhaba mabapi le nshetsopele ya disebediswa tsa motheo, haholoholo Thekenoloji ya Ditsebiso le Dikgokahanyo esita le thomello ka dipalangwang.
Afrika e bile e fana ka tshepo bakeng sa bokamoso sa tshebedisano pakeng tsa mokga wa setjhaba le mokga wa poraefete tshebetsong ya diindaseteri tsa temo, bohahlahudi, ntshetsopele ya basebetsi le hona ho sebetsana le diphephetso tsa tlhabollo ya metse ya ditoropo le tswelopele ya metse ya mapolasi.
Ho feta mona, mekga e mmedi ya bophelo e fumanwang Afrika - ho kenyeletswa le bokgabo bo tsotehang ba naha ka dipalesa le meru - ke letlotlo la bohlokwa la ho thibela tshenyeho ya tikoloho e bakwang ke kgoholeho ya karolo e ka hodimo ya mobu esita le ho fetoha ha motjheso le mohatsela esita le tshilafatso ya moya le metsi ka lebaka la tshebetso ya diindaseteri le dintho tse kotsi tse ka hlahiswang.
Ho hola ha menyetla ya thuto esita le menyetla e meng ya Afrika ho ka eketsa seabo sa Afrika bakeng sa saense ya lefatshe, thekenoloji le meetlo e le ho tlisetsa motho ka mong molemo o itseng. Ha re tadimisisa re fumana hore saense ena ya sejwalejwale e hlile e paka hore Afrika ke mohlodi wa botho. Masalla a masapo a batho, dintho tseo ba neng ba di etsa, mesebetsi ya boiqapelo esita le tseo batho ba fapaneng ba neng ba di hlahisa di ne di fumanwa ka bophara ba Afrika mme e le thepa e totobatsang ho hlaha ha motho wa kgale e leng Homo sapiens esita le ho ata ha batho.
E le ho hlabolla boitsebahatso le boitshepo ba batho ba Afrika, ho a hlokeha hore sena se utlwisiswe ke Maafrika ka bobona. Ka yona tsela e jwalo, boemo ba Afrika jwalo ka sebaka seo batho ba hlahetseng ho sona, bo lokela ho ananelwa ke lefatshe lohle e le qaleho ya baahi bohle ba Afrika.
Meetlo e tsebahalang ya Afrika nakong tse fetileng e totobatswa ke dintho tse entsweng tsa mehleng ya kgale, dingolwa tsa yona, kutlwisiso ya bophelo, bonono le mmino. Tsena di lokela ho sebetsa e le mokgwa wa ho thoholetsa motlotlo wa Maafrika bothong ba bona le ho amoela ho tshwana ho teng pakeng tsa batho bohle ba lefatshe.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e na le metjha e holang ya demokerasi, esita le ho hola ho bonahalang ha tlwaelo ya ditokelo tsa botho jwalo ka o mong wa metheo ya yona. Afrika e dumelang ho demokerasi e tla ba e nngwe ya ditshiya tsa demokerasi ya lefatshe, ditokelo tsa botho esita le kamohelo. Matlotlo a lefatshe ao ha jwale a sebediswang bakeng sa ho rarolla mathata a ditjhaba tsa lehae a ka lokoloha bakeng sa ho tlisa melemo e bonahalang.
Phetoho ya boithaopo ba mofuta ona, e leng ho wa ha dinaha tse ngata tsa Afrika, ho baka mathata eseng feela ho Maafrika empa ho kgotso e renang ka lefatshe lohle esita le polokeho. Bakeng sa dinaha tse nang le diindaseteri, tswelopele ya Afrika e tla fokotsa maemo a teng lefatsheng a ho qhelelwa thoko ha setjhaba mme a hlophise bokgoni bo boholo ba hore ho ka ba le ho hloka botsitso ka hara setjhaba.
Afrika e ikemiseditse ho ntshetsa pele le ho matlafatsa dikamano le tshebedisano pakeng tsa dinaha tsohle tse ka Borwa.
Ntlha ya bohlokwa e amang Maafrika a ikemiseditseng ho ntshetsa pele kontinente ke hore ho hlokeha hore ho buisanwe ka tshebedisano le dinaha tse ding tse tswetseng pele. Mokgwa oo thuso ena ya tswelopele e hlahiswang ka ona o baka mathat bakeng sa dinaha tse ntseng di hola ho tswela pele. Tlhokeho ya ho buisana le hlahisa boikarabelo ka ho qolleha ho banyehedi ba tshehetsang ona mokga oo kapa lenaneo leo, e a fokola mme ha e a phethahala hantle. Ho feta mona, ho kopanya thuso ena ya tswelopele ho baka bofokodi bo bong hape. Ho etswa boipiletso hore ke ho theha setswalle le tshebedisano e ntjha e leng tse ntshetsang mananeo a naha ena pele. Tshebedisano ena e ntjha e lokela ho theha mekolokotwane eo ho dumellanweng ka yona esita le dipehelo tse itseng bakeng tsa monyehedi le moamohedi. Ho na le diketsahalo tse ngata tse bontshang hore ho hloleha ha merero ha ho bakwe ke tshebetso e fokolang ya baamohedi empa ho bakwa hape ke keletso e fosahetseng eo banyehedi ba faneng ka yona.
Dikamano tse fapaneng tsa tshebedisano pakeng tsa Afrika le dinaha tse tswetseng pele ka tshebetso ya indaseteri (ka lehlakoreng le leng) esita le ditsha tsa tshebedisano ka lehlakoreng le leng di tla hlokomelwa. Dinaha tse nang le seabo di akaretsa tsena tse latelang: Lenaneo la Ditaba le letjha la Dinaha tse kopaneng tsa Amerika bakeng sa Tswelopele ya Afrika selemong sa bo-1990; Lenane la hlahlobo la Khaero la Moralo wa Tshebetso la Afrika le Yuropo; Letlole la Matjhaba la Ditjhelete le laolang Mokgwa wa Phokotso ya Bofutsana; Lenane la Ditaba la Thokiyo la Tshebetso le laolwang ke Japane, Molawana wa Menyetla le Kgolo ya Afrika wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika esita le Khomishene ya Kgwebo malebana le Kopano ya Lefatshe le Afrika. Sepheo e tla ba ho hlaola dinaha tsa tshebedisano esita le ho etsa bonnete ba hore melemo yohle ya Afrika e teng ka hara naha ena.
Ho fedisa ho theoha ha Thuso ya Dinaha tse Mose ho mawatle bakeng sa tshehetso ya Afrika e le ho fihlella boemo bo lebeletsweng ba Thuso ya Dinaha tse Mose ho mawatle e ka lekanang diphesente tse 0.7 tsa tlhahiso ya sehlahiswa sa setjhaba sa naha e nngwe le e ngwe e tswetseng pele ka nako eo ho dumellanweng ka yona.
Ho sebetsa hamooho le baetapele ba Afrika e le ho kgothaletsa hore mekga ya poraefete ya dinaha tse tswetseng pele e tsetele mona Afrika, hammoho le ho thehwa ha meralo ya diinshorense le disebediswa tsa tjhelete tse tla thusa ho theola ditefello tsa matsete ka hara Afrika.
Ho etsa bonnete ba hore Banka ya Lefatshe le ditsha tse ding tsa tswelopele tsa ditjehete di ba le seabo jwalo ka batsetedi kgwebong ya motheo ya disebediswa tsa motheo e le ho potlakisa le ho baballa monyetla wa ho ba le seabo ha mokga wa poraefete.
Ho theha mekgwa ya kopanelo bakeng sa ho thibela bobodu ka nepo hammoho le ho hlokomela hore ba amehang ba kgutlisa ditjhelete tseo tsa tshebetso naheng ya Afrika.
d Ho ba le seabo tshebetsong ya mebaraka.
Ba sebetsang hammoho ba matjhaba esita le ditsha tse fapaneng ba se ba entse mosebetsi mabapi le mananeo ana. Le ha ho le jwalo, seabo sa Afrika esita le boetapele ba yona di lokela ho matlafatswa e le hore di tle di be le tshebetso e ntle. Re a dunela hore ha re hlokomela dintlha tsena hoo ho ka potlakisa ntjhafatso ya kontinente ena. Dikgothaletso malebana le lenaneo le leng le le leng di a fumaneha mme di hokeletswe mona.
Le hoja bahlokomedi ba Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba hlokomela dikotsi tse ka bang teng tshebedisong ya mokgwa wa merero bakeng sa tswelopele, ba sisinya hore ho be le merero e fapaneng ya bohlokwa bakeng sa tswelopele ya mabatowa jwalo ka ha e kgothaletswa ke Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika. Merero ena ha e na matlafatsa mananeo a tswelopele ya dinaha le mabatowa feela empa a tla ba le thuso e kgolo bakeng sa ho qala diphetoho kontinenteng.
Ho eketsa boikarabelo ba lenaneo la Afrika la tshebetso mabapi le bolaodi ba naha le phepelo ya metsi. Morero ona o shebane le paballo le ntshetsopele ya matlotlo a Afrika a tlhaho ka tsela ya temo. Mebuso e mengata ya Afrika e se e ntse e sebedisa merero ena ya boithaopo e le karolo ya lenaneo lena. Dinaha tse amehang e ka ba Motheo wa Disebediswa Tikolohong e akaretsang ka lefatshe lohle, Banka ya Lefatshe, Mokgatlo wa Dijo le Temo esita le mehlodi e meng ya baemedi ba dithuso tsa dinyehelo.
Ho lokela hore ho matlafatswe le ho ntshetswa pele diphuputso tsa naha ya Afrika tsa temo esita le mekgwa ya boikatiso. Morero ona o tobane hape le ho phahamisa maemo a ditsha tsa disebediswa tsa motheo tse tshehetsang temo ya Afrika. Diphetoho tse bakwang ke thekenoloji le ho amana ha tshebediso ya thekenoloji di na le bokgoni bo bonahalang bakeng sa ho hodisa tlhahiso ya temo empa le ha ho le jwalo kontinente ha e na mokgwa o motle wa ho etsa diphuputso bakeng sa ho fumana katleho. Ditho tsa bohlokwa tse nang le seabo di kenyeletsa Lemulwana la Diphuputso tsa Temo mona Afrika, Banka ya Lefatshe, Mokgatlo wa Dijo le Temo esita le Sehlopha sa Dipatlisiso malebana le Diphuputso tsa Matjhaba tsa Temo.
Boiphihlelo bo fumanweng dinaheng tsa matjhaba bo totobatsa hore mokgwa o motle wa ho ntshetsa pele kgwebo ke ho theha dibaka tse nyenyane tsa kgwebo. Morero ona o tla theha ditsela tsa tataiso le maano bakeng sa ho theha dikgwebo tsena tse nyenyane boemong ba naha, ka tshebediso ya boiphihlelo ba matjhaba le mekgwa e metle ya tshebetso e lokiseditsweng ditlhoko tsa Maafrika le maemo a bona.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e se e hlwaile dintho tsa bohlokwa e leng matla, dipalangwang, dikgokahanyo ka mehala, esita le merero ya metsi e leng tsa bohlokwa bakeng sa tswelopele ya Afrika. Merero ena e se e le boemong bo fapaneng ba tswelopele mme e hloka tshehetso ya ditjhelete. Bohato bo latelang ke ho potlakisa tswelopele ya tsona hammoho le Banka ya Ntshetsopele ya Afrika, Banka ya Lefatshe esita le ditsha tse ding tse sebeletsanang.
Maikutlo a baporesidente bana ba hlokometseng tswelopele ena ke hore ha feela disebediswa tsa motheo di sa hlokomelwe ho latela moralo o hlophisitsweng hantle, mosebetsi wa ntjhafatso ya kontinente o ke ke wa tswela pele. Ka tsela e jwalo, batho ba phelang dinaheng tsa matjhaba ba kotjwa ho thusa naha ya Afrika ho ntshetsa pele disebediswa tsa yona tsa motheo. Dintlha tse feletseng tsa disebediswa tsena tsa motheo di ka fumaneha ho web site ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e leng (www.mapstrategy.com)?
Ho tla etswa hlahlobo ya ditlhoko e le karolo ya dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho etswa mme di qala ho tloha boemong ba naha ho ya mabatoweng a manyenyane esita le ona maemong a mabatowa a manyenyane. Sepheo ke ho hlahloba ditlhoko dintlheng tse hlano tsa bohlokwa ho latela sebopeho le basebetsi.
Hlahlobo ya karolo ya lebatowa le lenyenyane e tla qala ka ho hlahloba ditlhoko tsa naha pele. Ho etswa tlhahiso ya hore ditsebi le matona lebatoweng le leng le le leng ba kopane hammoho ho le leng la mabatowa ho o mong wa metse e meholo. Bakeng sa karolo ka nngwe ho tla hlahiswa dintlha tse amang setjhaba mme ho hlakiswe maemo le moralo wa lebatowa le lenyenyane. Hanghang ha ditlhoko tsa mokga di se di hlahlobilwe dikarolong tseo tse hlano di ka di ka hlophiswa bakeng sa ho theha moralo wa lebatowa.
Ditlhoko tse ikgethang tsa lebatowa le lenyenyane tse tsejwang e le sebaka sa mebuso e menyenyane ya lebatowa.
Ditlhoko tse lokelang ho hlwauwa bemong ba lebatowa le lenyenyane.
Qetellong, ditlhoko tsa kontinente di tla hlahlojwa dikarolong tse hlano tse nkuwang e le dikarolo tsa bohlokwa ho latela meralo ya mabatowa a manyenyane. Dintlha tse feletseng di ka fumaneha ho web site ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e leng www.mapstrategy.com?
Dihlooho tsa Dinaha, ka ho kgothaletsa Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika, di tla eletsa Mokgatlo wa Kopano ya Matjhaba ka mekgwa e tshwanetseng ya ho kengwa ha yona tshebetsong.
Ho tla ba le tlhokeho ya tshehetso ya bohlokwa ya setekgeniki bakeng sa ho kenya tshebetsong mekgwa dibakeng tsa diphuputso le tsa ho thea leano.
Komiti ya Dihlooho tsa Dinaha ya ho kenya Lenaneo lena Tshebetsong e nang le ditho tse hlano tseo e leng Dihlooho tsa Mmuso, batho ba ntshetsang pele Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika le batho ba bang ba leshome (ba 2 ho tswa lebatoweng le leng le le leng) e tla theha bakeng sa ho kenya tshebetsong.
Sepheo sa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke ho amanya leano la demokerasi le bolaodi bo lokileng ba kgwebo mona kontinenteng ena. Ka lenaneo lena baetapele ba itlama ho baahi bohle ba Afrika esita le ho lefatshe lohle hore ba tla sebetsa hammoho ho aha kontinente ena. Ena ke tshepiso ya ho ntshetsa pele kgotso le botsitso, demokerasi, bolaodi bo lokileng ba kgwebo, tswelopele e thehilweng katlehisong ya batho esita le hona ho etsa hore motho e mong le e mong a be le boikarabelo ho latela ditumellano tse boletsweng lenaneong lena.
Ka ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano ena, Afrika e a hlokomela hore e tshwere senotlolo sa tswelopele ya yona. Re a dumela ebile re a hlokomela hore Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e fana ka monyetla bakeng sa dinaha tse tswetseng pele tsa lefatshe bakeng sa ho ba le tshebedisano e tshwanelehang le naha ya Afrika mme e theilweng ho ditabatabelo tse tshwanang, boikarabelo bo arolelanwang esita le ditumellano tse tlamang.
Kamohelo ya mokgwa ona wa tshebetso le tswelopele jwalo ka ha o hlalositswe lenaneong le hlakileng la tshebetso le boletsweng ka hodimo, e bolela qalo ya karolo e ntjha ya setswalle, tshebedisano pakeng tsa Afrika le dinaha tsa lefatshe le atlehileng.
Bakeng sa ho phetha tshepiso ya yona, lenaneo lena la mosebetsi le lokela ho tsosa tshepo le morolo ho ngwana wa Moafrika ya lokolohileng le hore ngwahaketekgolo wa 21 e fela e le kontinente ya Afrika.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSHEBEDISANO LE MMUSO.txt</fn>
Ka selemo sa 2001 Mopresidente Thabo Mbeki o ile a qala Lenaneo la Ntshetsopele e Tswellang e nang le Nyalano Dibakeng tsa Mahaeng le tsejwang ka hore ke Integrated Sustainable Rural Development Programme (ISRDP). Sepheo sa lenaneo lena la dilemo tse 10 ke sa ho qeta bofuma le ntshetsopele e sa phethahalang mme ho ntlafatswe boleng ba bophelo ba batho ba mahaeng.
Lenaneo lena le shebile haholo basadi, batjha le batho ba sa itekanelang.
Dibaka tse leshome le metso e meraro tse ikgethang tse tsejwang ka hore ke mateanong a dibaka tsa mahaeng di se di hlwauwe.
Ho ntlafatsa matlotlo ao e leng a molemo bathong - matlotlo a malapa, dikuno le ditshenyehelo.
Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae (DPLG) le na le boikarabelo ba ho hokahanya lenaneo lena boemong ba naha. Mafapha a Mmuso wa Naha le a Diprovense ona a ba le seabo ka ho fana ka mehlodi ya thuso le ho kenya tshebetsong diprojeke tse hlwauweng e le tsona tse ka hodimo lenaneng. Terasete e Ikemetseng ya Ntshetsopele e leng Independent Development Trust (IDT) e kgethuwe ho ba ejensi e tshehetsang bakeng sa ISRDP.
Seabo sa mmuso wa selehae ke ho kenya tshebetsong diprojeke jwalo ka ha di hlwauwa ka Leano la Ntshetsopele e nang le Nyalano e leng Integrated Development Plan (IDP). Mokga wa poraefete o ba le seabo ka ho fana ka mehlodi ya thuso bakeng sa ho tshehetsa ho kengwa tshebetsong ha diprojeke.
Lenaneo le lebisitswe dibakeng tse kgethehileng ka ho ya ka mathata le menyetla e hlwauweng ya ntshetsopele ya sebaka. Thuso tsa ditjhelete le mehlodi ya thuso e kengwa ho tswa ditshiyeng tse tharo tsa mmuso le ho basebedisani ba bang (mokga wa poraefete, mekgatlo e seng ka tlasa mmuso, kgwebo tse taolong ya mmuso, jjj.). Mona ke karabelo ya ditshupo tsa bofuma le menyetla ya moruo. Lenaneo lena hape le tla ntlafatsa bokgoni ba bomasepala ba dibaka hore ba kgone ho fana ka ditshebeletso. Ho shebilwe haholo mananeo a ntseng a le teng a mmuso le ha ho ntse ho hlahiswa mananeo a mang a matjha.
O mong wa metheo ya lenaneo lena ke hore merabe e be le seabo. Merabe e ka ba le seabo diforamong tsa ntshetsopele e nang le nyalano tsa bomasepala ba dibaka. Diforamo tsena di neha merabe menyetla ya ho hlwaya le ho beha ditlhoko tsa bona ka hodimo lenaneng. Mmuso wa selehae o fetola ditlhoko tsena ho ba diprojeke tse ka sehloohong.
<fn>sot_Article_National Language Services_TSOHLE TSEO O LOKELAN.txt</fn>
TB ke lefu le futuhelang matshwafo haholo, empa le ka fumanwa le sethong sefe kapa sefe sa mmele.
Dikokwanahloko tsena di fumaneha sekgohloleng sa batho bao ba nang le TB ya matshwafo.
Dikokwanahloko tsena hangata di senya thishu e bonolo ya matshwafo. Hona ho baka masoba matshwafong, e be ho ba boima ho hema. Motho a ka hohlola madi.
Ha TB e sa alashwe, e ka bolaya.
Ha motho ya nang le TB a hohlola, a thimola kapa a tshwela mathe, dikokwanahloko di hasana moyeng e be di kena mothong e mong ha a hema.
Ka lehlohonolo ha se bohle bao ba tshwaetswang ba tshwarwang ke TB. Hangata dikokwanahloko di kwallwa ka mmeleng e be ha di kgone ho ata.
Le ha ho le jwalo, ha masole a mmele a se a sa kgone ho laola dikokwanahloko tsena, di boela di a tsoha e be motho o tshwarwa ke TB.
Ho phela diphaposing tse sa kenyeng moya o foreshe hantle, mme di na le batho ba bangata haholo ka hara tsona.
Ha ho na le a mabedi kapa ka hodimo ho moo a matshwao ana ka nako e le nngwe, motho o lokela ho ya fumana thuso tliliniking kapa sepetlele ka potlako ka ho ya ka moo a ka kgonang.
Lefe kapa lefe la matshwao ana a boletsweng mona ka hodimo e ka ba sesupo sa lefu lena.
Dikokwanahloko di fumanwa sekgohloleng ha ho etswa teko laboratoring.
Teko e etsuwang letlalong la bana ke mooki kapa ngaka, le yona e ka ba sesupo.
Ha motho a fumanwe a na le TB, bana bohle ba ka tlasa dilemo tse hlano ba neng ba phela le motho eo, le bona ba tshwanelwa ho hlahlojwa, e le hore ha e be ho hlokeha, le bona ba fumane kalafo. Batho ba baholo ba tshwanelwa ho eletswa ho ya batla thuso ha ba ka hlaha matshwao a TB.
Batho ba bangata ba ikutlwa ba tetebetse maikutlo kapa ba na le dihlong ha ba bolellwa hore ba na le TB. Hantlentle, hona ha ho hlokehe ka ha TB le yona ke lefu le tshwanang le mafu a mang. Le ka tshwara mang kapa mang.
Le ha ho le jwalo, ho tshwanetswe hore ho qalwe ho sebediswa meriana ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang, mme o nowe kgafetsa ka ho latela ditaelo tseo o di fuweng tliliniking.
Ho nka dikgwedi tse 6 kapa ka hodimo ho moo hore TB e phekolehe ka botlalo, empa dibekeng tse 2 ho qadilwe ka kalafo, motho a ke ke a pheta a hasana lefu leo.
Ke phoso ho emisa ho nwa meriana ha o se o ikutlwa o le betere.
Ho nka nako e telele ho bolaya dikokwanahloko tsa TB. Ha o ka emisa ka meriana pele ho nako, mme le ka ntle ho taelo ya mooki kapa ngaka, lefu lena le ka boela la kgutla hape.
Bathong ba nang le boitshireletso ba mmele bo phetseng hantle, ke feela 10% ya bao ba tshwaeditsweng ke TB ba kudiswang ke yona TB eo.
Ke batho ba ka hodimo ho 50% ba tshwaeditsweng ke TB mmoho le HIV ba tla kudiswa ke TB eo pele ba hlokahala.
HIV e eketsa kotsi ya ho tshwarwa ke TB.
Ha se batho bohle ba nang le kokwanahloko ya HIV ba bang le TB.
Ha se batho bohle ba nang le TB ba bang le kokwanahloko ya HIV.
HIV/AIDS e fumaneha haholo merabeng e nang le mathata a ka moo e phelang ka teng ekasitana le a moruo, mme yona merabe ena hape ha ya sireletseha kgahlanong le TB.
Ho phekola bao ba kudiswang ke TB bakeng sa ho thibela ho hasana ha lefu lena.
Ka ho entisa bana bohle tliliniking ha ba le selemo se le seng boholo.
Nama, tlhapi, mahe, dinawa, lebese, mafi, bohobe bo sootho, poone, meroho le ditholwana.
Jwala bo lokelwa ho qojwa hobane bo fokotsa boitshireletso ba mmele.
Sakarete le yona e baka tshenyo e nngwe hape matshwafong, athe hape e ka baka le lefu la pelo, le kankere ya matshwafo.
Ka ho fumana mahlasedi a letsatsi, moya o foreshe le ho dula tikolohong e hlwekileng.
Na Lefuba (TB) ke eng?
TB ke lefu le tshwaetsang hape le phekolehang, le futuhelang karolo efe kapa efe ya mmele, empa haholoholo matshwafo.
Dikokwanahloko tsa TB di hasana ha bonolo diphaposing tse nang le batho ba bangata haholo, di sa fumane moya o foreshe kapa mahlasedi a letsatsi.
Moyeng ka marothodi a manyenyane ha motho ya nang le TB a kgohlola kapa a thimola.
Motho e mong a ka tshwaetswa ke TB ka nako eo a hemang marothodi ana.
Na ke afe matshwao le ditshupo tsa TB?
Ho kgohlola bakeng sa nako e ka hodimo ho dibeke tse tharo.
Mokgathala le mmele o fokolang.
Ho se lakatse dijo.
Ho theoha ha boima ba mmele.
Ho fufulelwa bosiu, le ha ho bata.
Ho kgohlola madi.
Moya o foreshe o fefola dikokwanahloko tsa TB.
Ke ka baka lang batho ba bang ba tshwaetswa ke TB ha ba bang bona e sa ba tshwaetse?
Batho ba bang ba tshwaetswa ke TB ha bonolo ho feta ba bang, hobane boitshireletso ba bona ba mmele bo fokola.
Hona ho etsahala ha mmele ya bona e se matla ka tsela e lekaneng bakeng sa ho lwantsha dikokwanahloko tsa TB.
Batho ba nang le HIV/AIDS, bao mmele ya bona e seng matla ka tsela e lekaneng bakeng sa ho lwantsha dikokwanahloko tsa TB.
Batho ba nang le mmele e fokolang ha ba matla ka tsela e lekaneng hore ba ka lwantsha dikokwanahloko.
Ho tlala haholo, matlo le diphaposi tse sa kenyeng moya o foreshe hantle.
Phepo e fokolang.
Ho nwa jwala haholo.
Batho ba nang le mafu a mang a jwalo ka lefu la tswekere (dayabitise).
Na TB ya matshwafo e bonwa jwang?
Ka matshwao a fumanwang ka hlahlobo tsa bongaka.
Ha ho hlahloba sekgohlola ho fumanwa dikokwanahloko tekong tsa laboratoring.
Teko ya letlalo e etswang baneng.
Ho ka etswa X-ray ya sefuba.
Kalafo ya TB e qalwa ka mora ho fumana hore o na le lefu lena, mme e latela ditlhaloso tse behilweng ka ho ya ka lefu la motho e ka ba le letjha kapa le boetseng le alashwa hape?
Na kalafo ya TB e qalwa jwang?
Kalafo ya TB e qala ha mooki kapa ngaka e se e tiiseditse hore motho o na le TB.
Ho fanwa ka ditekanyetso tsa kalafo ya TB ha hlano ka beke ka nako eo lefu lena le leng lebe haholo, Mantaha ho isa Labohlano.
Bakeng sa mokgahlelo o tswelang pele, ho ka fanwa ka kalafo ya TB ka makgetlo a mahlano kapa a mararo bekeng.
Na kalafo ya TB e bolokehile bakeng sa motho e mong le e mong?
Basadi ba baimana ba ka nka kalafo ya TB (dipilisi) ka polokeho.
Ditlhabo tsa streptomycin ha di a tshwanelwa ho sebediswa baimaneng kapa bakuding ba dilemong tse ka hodimo ho tse 65.
Ethambutol ha ya tshwanelwa ho fuwa bana ba ka tlase ho dilemo tse 8.
Bakudi ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking ha ba le kalafong ya TB hore ho tle ho rerisanwe ka mokgwa o tla sebetsa hantle wa thibelo ya peleho.
Bakudi ba sebedisang dithethefatsi tse ding ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking.
Bakudi ba nang le mafu a mang ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking ka ona.
Mothong ya nang le tshwaetso ya kokwanahloko ya TB, HIV ke yona e matlafatsang kgolo ya tshwaetso ya TB hore e be e be lefu.
HIV ke sona sesosa se seholo hape se matla se tsejwang se eketsang monyetla o kotsi wa TB.
Motho ya nang le tshwaetso ya HIV o na le menyetla e menahaneng ha leshome ya keketseho ya kotsi ya ho ba le TB ho ena le motho ya se nang tshwaetso eo ya HIV.
Na taolo ya kalafo e etswa jwang ke motshehetsi wa kalafo?
O boloka meriana eo tliliniki e faneng ka ona sebakeng se bolokehileng hape se phodileng.
A sebedise kgaba le pirinki bakeng sa ho fana ka meriana le metsi.
A lebele mokudi ka nako eo a kwenyang dipilisi tsohle tsa hae.
Motshehetsi wa kalafo mmoho le mokudi ba tshwanela ho dumellana ka nako le sebaka se amohelehileng ho bona ba le babedi sa ho fana ka kalafo.
A saene karata ya mokudi nako le nako ha mokudi a nka meriana.
A romele mokudi ya nang le mathata afe kapa afe a bophelo tliliniking.
Na seabo sa motshehetsi wa kalafo ya TB ke sefe?
Ho lebela motho ha a nwa dipilisi tsa hae tsohle.
A romele mokudi hape tliliniking dikgweding tse 2 ho isa ho tse 3 bakeng sa ho ya nkuwa sekgohlola.
Ke ntho ya bohlokwa hore bakudi ba kgutlele tliliniking ka mora mokgahlelo o mobe haholo hore ba ilo hlahloba sekgohlola e le hore ho tle ho fetolwe kalafo. Kalafo e ya e ntse e theoha ha mokudi a ntse a ba betere.
A romele bakudi hape tliliniking kgweding ya ho qetela e etelletseng pele ho fela ha kalafo.
Ke ntho ya bohlokwa hore bakudi ba kgutlele tliliniking ha kalafo e se e fedile ho etsa bonnete ba hore ba phekotswe TB eo ka botlalo.
Na ke seabo sefe seo motshehetsi wa kalafo ya TB a ka bang le sona morabeng wa hao?
Ho sebedisana le merabe ke e nngwe ya ditlhoko tse kgolo tsa mosebetsi wa Taolo ya TB.
Batho ba tshwanelwa ho tsebiswa ka menyetla e ka bang kotsi ho bona le ho ba malapa a bona.
Batho ba tshwanela ho lemoha matshwao a TB ha e sa qala, e be ba batla tlhokomelo ya bongaka nako e sa le teng.
Batho ba tshwanelwa ho tsebiswa ka bohlokwa ba ho latela kalafo jwalo ka ha e laetswe le hore ho tla etsahala eng ha ba sa etse jwalo.
Batho ba nang le TB ba tshwanela ho etsa bonnete ba hore ba malapa a bona ba hlahlojwa bakeng sa TB, mme ha ba fumanwa ba na le yona, ba batle kalafo e tshwanetseng.
Bana ba phetseng hantle ba dilemo tse ka tlase ho tse 5 ba tshwanelwa ho romelwa tliliniking ho ya hlahlojwa.
Batho ba baholo ba lokela ho ya tliliniking ha feela ba kula mme ba na le matshwao kapa ditshupo tsa TB.
Na ke dife dikotsi tsa tshitiso ya kalafo?
Mokudi o lokela ho nka kalafo bakeng sa nako e telele, mme ho qeta kalafo ya TB ke phepetso e kgolo e hlokang maikemisetso.
Bakudi ba TB ba sa qetelleng kalafo ya bona ba ka tshwaetsa batho ba bang.
Bakudi ba TB ba sa qetelleng kalafo ya bona ba ka hlaha TB e hlolang ditlhare tse ngata (multi-drug resistant TB), e leng mofuta o kotsi haholo wa TB.
Bakudi ba lokela ho qala kalafo ya bona ka mokgwa o nepahetseng wa kalafo.
Dintho tse sitisang kalafo di lokelwa ho hlwauwa e be di a latelwa ha morao.
Bakudi ba batjha ba TB ba tshwanetse ho phekoleha kgetlo la pele.
Na ke thuto efe ya bophelo bo botle e buang ka thibelo eo motshehetsi wa kalafo ya TB a ka fanang ka yona mabapi le tshwaetso ya HIV/AIDS?
Tshebediso ya dikhondomo ka dinako tsohle.
Ho fana ka tsebiso le ho ruta ka Mafu a Tshwaetsang ka Thobalano le dikotsi tsa HIV le Mafu ana ha a sa alashwa.
Ho ruta ka bohlweki.
Ho kgothaletsa boitshwaro bo bolokehileng ba tsa thobalano.
A tsebe hore TB ke eng, e be o ba le seabo sa bohlokwa thibelong ya TB.
A rute batho ba habo ka TB.
A romele batho ba nang le matshwao a mabedi kapa ka hodimo ho moo a TB tliliniking e haufi.
A eletse batho hore ba kwale melomo ya bona ha ba kgohlola kapa ba thimola.
A tsebise batho hore moya o foreshe o tla fefola dikokwanahloko tsa TB mme ho bula le difenstere le hona ho ka fokotsa ho hasana ha yona.
A tsebise batho hore mahlasedi a letsatsi a ka bolaya dikokwanahloko tsa TB.
A kgothaletse batho ba fumanang kalafo ya TB hore ba nke kalafo kaofela ha yona ho ya fihla qetellong.
A tsebise batho hore TB e a phekoleha ha ba ka latela kalafo yohle ya TB.
A kgothaletse batho ho ba le thobalano e bolokehileng ka ho sebedisa dikhondomo ho thibela mafu a tshwaetsang ka thobalano mmoho le HIV/AIDS.
A tsebise batho hore masea a tshwanela ho fumana moento wa BCG o lwantshang TB.
Ha bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 5 ba ile ba kopana le motho ya fumanweng a na le TB.
Ho ya ho mooki wa tliliniking ka bothata bofe kapa bofe.
Batho ba baholo ba nang le matshwao a TB.
Bakudi ba kalafong bakeng sa dikgwedi tse 2 ho isa ho tse 3 hore ho ilo hlahlojwa sekgohlola sa bona.
Bakudi ba leng kalafong kgweding ya ho qetela ya kalafo eo ho hlahlojwang sekgohlola ho yona.
<fn>sot_Article_National Language Services_TUMELLO YA HO FUWA DI.txt</fn>
o tsebisa baahisani ba hao; mme o tlalehele maponesa.
Tlosa dintho tsa bohlokwa hape tse hohelang batho hore di se ke tsa bonahala ka fenstere.
Etsa bonnete ba hore dithunya le mabenyane di bolokwa sebakeng se bolokehileng hole le thepa ya hao.
O ka nna wa leka ho bua le motswalle hore a nne a ho kutele jwanng le/kapa a emise koloi ya hae jareteng ya hao ho etsa e ka ho na le batho.
O se ke wa kwala dikgaretene kapa di-blinds hobane hona ke sesupo se hlakileng sa hore ha ho na batho.
Notlela karatjhe ya hao ka senotlolo se matla.
O se ke wa tsamaya o tsebisa batho bohle ka merero ya hao ya ho ya phomolong.
O se ke wa siya dintho tse nyenyane tsa bohlokwa tse jwalo ka mabenyane, diwatjhe, diradio tse nyenyane, diaparo, dikhamera kapa diphese sebakeng se ka hare seo motho a ka se fihlelang ha a ka kenya letsoho feela fenstereng e butsweng le haebe o na le ditshepe tsa di-burglar fenstereng?
Tlohela difothokhopi tsa dinomoro tsa phasepoto ya hao, laesense ya hao ya ho kganna, credit card le ditjheke tsa baeti le motswalle kapa wa leloko bakeng sa ha o ka batla ho fumana tse ding tsa dipampiri tsena hape.
O se ke wa siya phahlo ya hao e sa hlokomelwa.
Beha dintho tsa bohlokwa lebokosong la ho boloka dintho la hoteleng.
Dula o notletse phaposi ya hao, ha o le teng le ha o le siyo ka hare.
Ha ho na le motho ya kokotang, sheba hore ke mang pele o ka bula lemati.
Siya dinotlolo tafoleng e ka pele ha o tswa hoteleng.
Hlokomela motho eo o sa mo lebellang ya tlang phaposing ya hao ya hotele. O se ke wa bula lemati bakeng la tshebeletso ya ka phaposing eo o sa e kopang. Letsetsa ba tafoleng e ka pele ha o belaela ho itseng.
Etsa bonnete ba hore phahlo ya hao o e neha e mong wa basebetsi ba hotele mme o fumane rasiti bakeng sa phahlo eo.
O se ke wa siya tjhelete, ditjheke, di-credit card kapa dinotlolo tsa koloi ka phaposing. Di tshware ho wena.
Qoba ho nna o shebana le dintho, mabenyane le dikhamera tse turang tse bontshwang moo o fetang teng.
O se ke wa tsamaya o tshwere tjhelete e ngata haholo ho wena.
Bosiu o se ke wa tsamaya mafifing le dibakeng tse se nang batho.
Rera tsela eo o tla tsamaya ka yona pele o tloha.
Leponesa kapa ofisiri wa sephethephethe a ka thabela ho o supisa moo yang ha o lahlehile.
Ha o batla ho bitsa tekesi, hotele eo o leng ho yona kapa ofisi e fanang ka tlhahisoleseding ho bahahlaudi e ka ho bolella hore ke ho kae moo o ka fumanang tshebeletso e tshepahalang.
O se ke wa tsamaya o ntse o bolella batho hore o mohahlaudi.
O se ke wa tsamaya o ntse o fana ka tjhelete bathong ba leng tseleng ba ntseng ba kopa.
Tseba sebaka se ho potapotileng le ba ho potapotileng. Ha o ikutlwa o tshaba kapa o sa iketla, batla thuso.
Dula o notletse mamati a koloi ka dinako tsohle mme o kwale le difenstere.
Kwalla dintho tsa bohlokwa ka butung (ka therankeng).
Bosiu, emisa koloi sebakeng se kgantshitsweng hantle.
O se ke wa emisa ho palamisa batho bao o sa ba tsebeng.
Ha o belaela hore sebaka ha se a bolokeha, letsetsa seteisheneng sa maponesa ho batla keletso.
Ha o ka lahleha, kganna o ye sebakeng se nang le batho ba bangata e be o lekola mmapa..
Sebedisa dibaka tseo ho emelwang transporoto tse kgantshitsweng hantle. Ema haufi le bapalami ba bang. Dula haufi le mokganni.
Dula o fadimehile, mme o se ke wa robala ha o le leetong.
Ha ho na le motho ya ntseng a ho tshwenya, baka lerata / hlaba mokgosi wa tshohanyetso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Taolo ya Tsebo.txt</fn>
Na Taolo ya Tsebo ke eng?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o batsi wa mekgwa e mengata e fapaneng o etsang hore mekgatlo e ntlafatse tsela eo e bopang, e amohelang, e tiisetsang, e phatlalatsang, e bolokang hape e sebedisang tsebo bakeng sa ho fihlela maikemisetso a yona ka potlako hape le ka mokgwa o sebetsang hantle haholo.
Na ke efe melemo e meholo ya Taolo ya Tsebo?
Tsebo ya basebetsi e eketsa kgolo ya motho ka boyena hape e ba le tshusumetso.
Hona ho ntlafatsa moruo, mme ho fokotse bofuma, athe hape ho eketsa le mesebetsi.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke ntho e etswang ka potlako feela?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o tswelang pele, mme ha se ntho e ka etswang ka potlako ya fela. Lefatsheng lohle, ho ntse ho inkelwa mesebetsi ya Taolo ya Tsebo, mme ha ho sa na boikgethelo bo bong. Taolo ya Tsebo ke yona tsela ya bokamoso.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le Dilemo tsa Tsebiso?
Dikhomputa, Inthanete le theknoloji e ntseng e tswela pele ka potlako ha jwale lefatsheng lohle, haholoholo mane Amerika, ke dintho tse entseng hore ho be le hoo hangata re ho bitsang Dilemo tsa Tsebiso, empa tseo boholo ba tsona di bohehang e le phetoho e lebileng Dilemong tsa Tsebo. Jwalo ka ha setjhaba se sutha Dilemong tsa Diindasteri ho leba tshebetsong e tsejwang ka Dilemo tsa Tsebo, ha re sheba ka kakaretso, re bona hore Taolo ya Tsebo e tswetse pele le boemong bo bonyenyane mme ya ba ya kgona ho laola le diphetoho.
Na taolo ya Tsebo ke ntho e ntjha?
Metheo ya Taolo ya Tsebo ha e metjha, jwalo ka ha ho se ho bontshitswe ka tsebo e hlahisitsweng ke batho ba kgalekgale (mohlala, ka tshebediso ya mollo, methale le bronse), mme ba e fetisetsa melokong le melokong e latelang ya ba ya phatlalla. Hlohlomiso ya taolo ya tsebo jwalo ka mohlodi wa thuso ke ntho e ntjha e ntseng e hola, le ha ho le jwalo, yona e hlaha diphetohong tse potlakileng tsa ditheknoloji tsa tsebiso le dikgokahano ekasitana le kananelo e ntseng e eketseha ya boleng ba tsebo jwalo ka leano la mohlodi wa thuso.
Na tsebo ke eng?
TSEBO ke mohlodi wa thuso oo bonyane e leng wa bohlokwa jwalo ka mehlodi ya thuso ya tlwaelo ya mobu, basebetsi kapa tjhelete. Taolo ya tlhokeho, kabo le phallo ya tsebo e ntse e ba leano le leholo hape le molemong wa mekgatlo, athe le ka fihlelwa hantle haholo ka ho sebedisa Taolo ya Tsebo.
Na Taolo ya Tsebo e fapane le Theknoloji ya Tsebiso?
Le ha Theknoloji ya Tsebiso e tlisa Taolo ya Tsebo, Theknoloji ya Tsebiso e mpa e le e nngwe ya dithuto tse 60 tse amohelwang ke Taolo ya Tsebo, ho kenyeletswa Bokgoni ba Batho, Antropoloji le Saekholoji. Taolo ya Tsebo e bua haholo ka batho le setho jwalo feela ka Thekonoloji ya Tsebiso.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke theknoloji kapa ke ntho e sebediswang?
Taolo ya Tsebo ha se theknoloji feela, athe hape ha se ntho e sebediswang feela, empa ke tshebetso hape ke sehlopha sa ditheknoliji tseo tsohle di tshehetsang leano la kabelano ya mehopolo ya mekga bakeng sa ho tlisa tshibollo.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le batho?
Ho e leng hwa bohlokwa ka Taolo ya Tsebo ke Batho ba Sebetsang ka Tsebo, batho ba bang le seabo ba sebetsa mokgatlong, mme ba matlafaditswe ke tsebo, hape ba na le boikarabelo ba ho sebeletsa bareki ba mokgatlo.
Taolo ya Tsebo e mabapi le batho ha ba bontsha ka moo ba itaolang ka teng, mme ho fapane le ho ba le tsamaiso e laolwang ke motho a le mong feela.
Ho fetola tsela eo dintho di neng di etswa ka yona, mme hona ho hloka ho fetola menahano kapa mosebetsi wa tlwaelo ho ya ho o nang le tshepo.
Ho abelana tsebiso ho tla etsa hore basebetsi ba mokgatlo ba kgone ho sebedisa tsebo e leng teng ho ena le ho qalla hape fatshe, ho ntshetswa pele tsebo.
Hona ho tla eketsa tshebediso e ntle ya nako, ke hore tlhahiso, le tshibollo, e leng tsona dihlahiswa tsa tsebo e ntjha.
Na Taolo ya tsebo e amana jwang le leano la mokgatlo?
Ntlha e nngwe hape ya Taolo ya Tsamaiso ke bohlokwa ba ho amahanya leano la Taolo ya Tsebo le leano la kgwebo la mokgatlo le etsang hore mokgatlo o kgone ho ntshetsa pele monyetla wa ona wa tlhodisano le ho ba teng ha ona.
Na phapang ke efe mahareng a data, tsebiso le tsebo?
Data e emetse ho bonwang kapa dintlha tse sa tsamaelaneng le ntho, mme tseo qetellong di sa hlakang hantle. Tsebiso e tla ka ho hlakisa data, hangata ka mokgwa wa molaetsa. Tsebo ke seo re se kgolwang le boleng bo theilweng hodima pokello e hlophisitsweng hantle ya tsebiso (melaetsa) ka boiphihlelo, dikgokahano kapa ho fihlela sephetho. Tsebo e ka bonwa e le ntho e lokelwang ho bolokwa e be e sebediswa ka tsela eo o e batlang, mme hape e ka bonwa e le tshebetso ya ho tseba le ho etsa ntho ka nako e le nngwe ke hore, ho sebedisa botsebi?
Na Tseko ya Tsebo ke eng?
Tseko ya Tsebo ke sehlopha sa melawana eo ho dumelwang hore ke nnete ke bonyane motho a le mong, e le ka mokgwa wa molaetsa o nang le tsebiso e lekaneng bakeng sa motho e mong hore a utlwisise e be o nka mohato o itseng ka hoo. Ho na le ditsela tse lokelwang ho sebediswa bakeng sa ho tiisetsa tseko ya tsebo pele e ka amohelwa e le tsebo.
Na boleng ba tsebo bo ka lekangwa?
Ee, ka bokgoni ba bona ba ho thusa mokgatlo kapa motho a fihlele maikemisetso a hae hantle haholo.
Na ho na le makeno kapa website ya Taolo ya Tsebo?
Ho se ho hlonngwe makeno a Taolo ya Tsebo bakeng sa ho qala motjha wa dikgokahano tse akaretsang le Lefapha la Dikgokahano. Hona ho tla sebetsa jwalo ka mohlodi wa thuso bakeng sa Taolo ya tsebo, ho fane ka tsebo e mabapi le Taolo ya tsebo, mme hape e be mokgwa oo ka ona o tla phehisa ka ona ditherisanong tsa Taolo ya Tsebo mona Afrika Borwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tataiso ya Molao wa N.txt</fn>
Ke mang ya lokelang ho bala Tataiso ena..
Keng se kahara Tataiso ena.
Mehlodi ya metsi keng.
Phapang keng pakeng tsa Molao wa Naha wa Metsi le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi..
Melemo ya Molao wa Naha wa Metsi o motjha.
Maano a Molao wa Naha wa Metsi.
Ke mang ya jarang boikarabelo ba mehlodi ya naha ya metsi.
Mekgwa ya Tsamaiso ya Polokelo ya Metsi.
Ke mang ya hlahisang mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ya metsi.
Ke mang ya thehang Rizeve..
Basebedisi ba metsi ke bomang..
Ngodiso ya tshebediso ya metsi.
Tshebediso ya metsi e hlokang laesense.
Lekgotla la Metsi.
Tataiso ena e mabapi le Molao wa Naha wa Metsi (Molao wa 36 wa 1998). Jwalo ka molao leha e le ofe, Molao wa Naha wa Metsi o ngotswe ka puo ya semolao e boima mme esa utlwisisehe ha bobebe. Tataiso ena e hlalosa seo Molao o leng ka sona le hore o bolela eng.
Leano la bohlokwa la Molao wa Naha ke hore baahi ba Afrika Borwa ba lokela ho ba le seabo tsamaisong ya metsi. Sepheo sa Tataiso ena ke ho thusa basebedisi ba mehlodi ya metsi (dinoka, melatswana, matamo, metsi a ka tlasa lefatshe, jwalo jwalo) ho utlwisisa Molao hore ba tle ba be le karolo e utlwahalang diqetong tse mabapi le dintlha tsa metsi tse ba amang.
Ke mang ya lokelang ho bala Tataiso ena?
mang kapa mang ya batlang ho ba le seabo tsamaisong ya metsi.
Bakeng la ho ka fumana tsebo e kenelletseng sehloohong se itseng o lokela ho ikopanya le Kantoro ya Lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru. Dintlha di leqepheng le ka morao. Kgatiso ya Molao wa Naha wa Metsi e ka fumaneha websaeteng ya www.dwaf.gov.
Keng se ka hare ho Tataiso ena?
Tataiso ena ha e kenye ntlha e nngwe le e nngwe e ka hare ho Molao wa Naha wa Metsi. E fana ka kakaretso ya tataiso ya Molao ha mmoho le tsebiso e qollehang e mabapi le dikarolo tsa bohlokwa tsa Molao, tse reretsweng ho thusa basebedisi ba metsi ho ba le seabo dintlheng tse mabapi le mehlodi ya metsi.
thehwa dibaka tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
Hobaneng ha Molao wa naha wa Metsi o le bohlokwa?
Molao wa Motheo ke wa bohlokwa bakeng sa molao wa metsi.
mmuso wa naha ke mmoloki wa mehlodi ya metsi, e kang dinoka, metsi a tlasa lefatshe le matamo; le mmuso wa lehae o ikarabella ditshebeletsong tsa masepala tsa metsi.
Metsi ke motheo wa bophelo bohle. Ntle le metsi ha ho na motho, semela, phoofolo kapa sephedi se ka dulang se phela. A nosetsa dijarete tsa borapolasi, a nosetsa dijalo le thepa ya mahaeng; a fana ka boikgathollo, a tshehetsa tikoloho, a tshehetsa diroropo, merafo, indasteri, le ho fepela ka matla a motlakase. Batho ba hloka metsi ho nwa, ho lema le ho pheha dijo, ho hlapa, le bophelo bo botle.
Afrika Borwa ke naha e ommeng, e nang le pula e nyane. Bongata ba mehlodi ya rona ya metsi bo sebedisitswe ho feta tekano. Tsatsi le leng le le leng batho le dikgwebo di na le kgahlamelo ho boleng ba dinoka le melatswana ya rona, metsi a ka tlasa lefatshe, lefatsheng le metsi. Bongata ba dibaka tsa rona naheng ya rona di shebane le tlhokeho ya metsi, moo re hlokang metsi ho feta ao re nang le ona. Dibakeng tsena tikoloho e tlasa kgatello mme batho ba bang ha ba kgone ho fihlella metsi a kguwang (nwehang) kapa ha ba fumane karolo e lekaneng ya metsi.
Molao wa Naha wa Metsi o bohlokwa hobane o fana ka mokgwa wa ho sireletsa mehlodi ya metsi hore e se sebediswe ho feta tekano le hore ho be le metsi a tshebediso ke setjhaba le ntshetsopele ya moruo le metsi a nako e tlang. Ke wa bohlokwa hobane o bolela hore metsi ke a naha yohle molemong wa batho bohle.
Mehlodi ya metsi keng?
Mehlodi ya metsi ke dibaka tsa metsi tse kang dinoka, melatswana, dibaka tse metsi, diphororo le mesi a ka tlasa lefatshe. Metsi a ka hodima leftshe ke a ka hodima mobu. Metsi a mobung ke metsi a ka hodima mobu.
Molatswana, Sebaka se metsi, Noka, Metsi a Mobung (equifer), Phororo.
Ditshebeletso tsa metsi boikarabelo ba lehae MOLAO WA DITSHEBELETSO TSA METSI Setshwantsho sa motho a nwa metsi jj.
Molao wa Naha wa Metsi o sebetsana le mehlodi ya metsi. Yona ke dinoka, melatswana, matamo, le metsi a lefatshe.
O kenya melao e mabapi le mokgwa oo mehlodi ya metsi (a kahodima le ka tlasa mobu) o sireletswang, sebediswang, ntshetswang pele, bolokwang, tsamaiswang le ho laolwa ka mokgwa o kopantsweng.
Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi o sebetsana haholoholo le ditshebeletso tsa metsi kapa metsi a kguwang (nowang) le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere tseo bomasepala ba fanang ka tsona matlong le basebedising ba bang ba metsi a masepala.
O na le melawana e mabapi le hore bomasepala ba ka fana ka metsi le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere jwang.
Hobaneng o na le Lebitso la Molao wa Naha wa Metsi, 1998?
Naha e bolela hore Molao ke wa naha yohle. Molao o fetiswa ke Palamente. Molao wa Naha wa Metsi ke molao o mabapi le metsi, o sebetsang Afrika Borwa ka bophara. O ile wa fetiswa ke Palamente ka 1998?
Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore metsi ke mohlodi wa tlhaho oo e leng wa batho bohle ba Afrika Borwa. O bolela hore metsi a lokela ho arolelwana ka mokgwa o lokileng mme o lekanang. O bolela hore metsi bakeng la ditlhoko tsa motheo (tse kang ho a nwa, ho pheha ka ona le bophelo bo botle) le metsi a tikoloho a lokela ho behwa ka thoko pele a ka sebedisetswa ho hong.
Hobane metsi e le a bohlokwa bathong, Molao wa Naha wa Metsi o re batho ba lokela ho ba le seabo tsamaiso ya mehlodi ya metsi. O phahamisa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho ba haofi le batho ka moo ho ka kgonehang. O etsa sena ka ho thaw ha ditsha tse ntjha tsa mabatowa le mahaem tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo. Ditsha tsena tse ntjha di tla ba le baemedi ho tswa setjhabeng mme di tla se thusa ho ba le seabo diqetong tse nkuwang ka metsi.
Molao wa Naha wa Metsi o fedisa menahano ya kgethollo le phihlello ya ba nang le molemo o jwalo. O phahamisa tshebediso ya metsi molemong wa bohle ka hara Afrika Borwa. O phahamisa metsi bakeng sa ntshetsopele ya dinako tsohle.
Keng sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi?
sireleditswe a sebediswa ntshetswapele bolokilwe le ho laolwa ka mokgwa wa ka nako tsohle le o lekanang ka mokgwa o tlang ho ba molemong wa bohle.
Ka nako tsohle e bolela ho phahamiswa ha ntshetsopele ya setjhaba le moruo ka nako e le nngwe ho ntse ho netefatswa hore tikoloho e sireleditswe jwale le nakong e tlang. Tikoloho e hloka ho sireletswa hobane ke moo metsi a tswang teng. Ha e le hore ho na le tekano e ntle pakeng tsa ho sebedisa le ho sireletsa mehlodi ya metsi ke hore ditlhoko tsa metsi jwale le a ka nako e tlang di ka kgotsofatswa.
Tekano e bolela hore bohle ba lokela ho fihlella metsi le melemo ya ho sebedisa metsi. Diqeto tsa ho fana ka metsi di lokela ho lekana (lokela) batho bohle.
Ho lekana ho bolela hore metsi ha ya lokela ho senngwa. Metsi a lokela ho sebediswa ka mokgwa o loketseng ka moo ho ka kgonehang ka teng molemong wa setjhaba le moruo.
Ke mang ya jarang boikarabelo ba mehlodi ya naha ya metsi?
Mmuso wa naha (Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru) le sebetsa ka Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru ke lona le nang le metsi a setjhaba a leng mehloding ya metsi a naha.
ho ba le hwa setjhaba ho bolela eng?
Ho ba le hwa setjhaba ho bolela hore Letona le na le matla hodima metsi naheng ka bophara. Metsi ke mohlodi wa tlholeho oo e leng wa batho bohle. Jwalo ka monga seo e leng sa setjhaba e leng mehlodi ya metsi a naha, Letona le na le boikarabelo ba se molemong wa setjhaba mme le lokela ho netefatsa hore metso ohle hohle naheng a tsamaiswa molemong wa batho bohle, ho kenyelletsa le meloko ya nakong e tlang.
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru le na le boikarabelo ba ho netefatsa hore ho thehwa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha. Kakaretso ya mokgwa e lokela ho phatlalatswa Koranteng ya Mmuso. Mokgwa wa Naha wa Tsamaiso ya Metsi a Naha o tlama ditsha tsohle tsa metsi le basebedisi ba metsi. Letona le lokela ho ntlafatsa Mokgwa wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Metsi bonnyane dilemo tse ding le tse ding tse 5.
Keng sepheo sa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha?
Sepheo sa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha ke ho netefasa hore mehlodi ya metsi a naha e tsamaiswa ka tsela e loketseng bakeng la nha ka bophara. O boela o fana ka tataiso ya hore na metsi a ka tsamaiswa jwang dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse hlwailweng.
O bolela hore ke metsi a makae a lokelang ho bolokelwa tshebediso ya metsi ya mantlha ke batho. Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha o lokela o boela o netefatsa hore ho na le metsi bakeng sa nako e tlang le tshebediso e ikgethang jwalo ka ho fehlwa ha motlakase wa naha. O beha dipehelo tsa boleng ba metsi. O boela o bolela hore dibaka tsa tsamaiso ya metsi (tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo) di ka thehwa jwang?
Mmuso wa naha o arotse naha yohle ka dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 19. Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore mokgwa wa tsamaiso o a ralwa bakeng sa sebaka ka seng sa tsamaiso. Mokgwa ona o bitswa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo (MTP).
Polokelo keng Polokelo e bolela sebaka seo pula e tla fepela metsi ho sona, ka metsi a phallang hodima mobu (mohlala noka) ho ya fihla sebakeng seo a tlang ho kopanela ho sona?
Ke mang ya hlahisang mokgwa wa tsamaiso ya polokelo?
Molao wa Naha wa Mesi o bolela hore akgente ya tsamaiso ya polokelo (ATP) e lokela ho thehwa sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi. ATP e ikarabella ntshetsopeleng ya mokgwa wa tsamaiso ya polokelo sebakeng sa yona sa metsi.
Ho tla nka nako pele kaofela di diATP hore di thehwe. Ha e le hore ha ho na ATP e thehilweng sebakeng sa tsamaiso ya metsi, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le sebetsa jwalo ka ATP.
Keng sepheo sa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo?
Sepheo sa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ke ho bolela hore metsi a tla fanwa (arolwa) jwang basebedisi ba ona. ATP e tobane le basebedisi ba bangata ba metsi, mohlala basebedisi ba masepala, indasteri, temo, merafo, jwalo jwalo. Mokgwa oo ATP e fanang ka metsi ka yona ho phahamisa ntshetsopele ya batho bohle ba se nang menyetla. Mokgwa wa tsamaiso ya polokelo o lokela ho hlalosa hore mehlodi ya metsi e tla tsamaiswa jwang sebakeng sa tsamaiso ya metsi le hore setjhaba se ka ba le seabo jwang tsamaisong ya mehlodi ya metsi. O tla lokela ho tsamaelana le Mokgwa wa Naha wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Metsi.
Mmuso o lokela ho netefatsa hore metsi a sireleditswe, empa o lokela ho netefatsa hore ho na le metsi bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba le moruo.
Se seng seo mmuo o se etsang ke ho hlahisa Rizeve.
Rizeve ke metsi a behuweng ka thoko?
Rizeve ke sepheo se ka sehloohong tshebedisong tsohle tsa metsi. Ka mantswe a mang bongata ba metsi a Rizeveng a lokela ho behwa ka thoko pele mehlodi ya metsi e ka fuwa basebedisi ba bang ba metsi.
E tla ba bothata bobobe haholo (le kgahlano le Molao wa Motheo) ha temo, indasteri, merafo, jj. di sebedisitse metsi a mangata hoo ho eng ho se na metsi a lekaneng a ditlhoko tsa sehlooho tse kang ho nwa, ho pheha, le bophelo bo botle le bo hlwekileng.
Molao wa Naha wa Metsi o netefatsa hore bohle ba fihlella metsi a lekaneng ka ho beha ka thoko metsi a itseng ho ka sebedisetswa ditlhoko tsa sehlooho tsa bohle.
Hore ho netefatswe hore ho na le metsi a lekaneng a boleng bo amohelehang bakeng la tshebediso nakong e tlang, Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore metsi a lokela ho behwa ka thoko bakeng la Rizeve ya ekholoji. Rizeve ya ekholoji ke metsi a hlokehang ho sireletsa tse phelang metsing mehloding ya metsi. A lokela ho bolokwa hantle mme a se sebedisetswe hohong.
Ke mang ya thehang Rizeve?
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru le lokela ho theha Rizeve. Letona le lokela ho beha bongata ba metsi le boleng ba ona bo tlang ho dula mohloding wa metsi bakeng la ditlhoo tsa sehlooho tsa botho le diphedi tsa metsing.
Tshebediso ya metsi e bolelang?
a bongata ba metsi mohloding wa metsi b boleng ba metsi mohloding wa metsi c tikoloho e potapotileng mohlodi wa metsi.
Masepala ya ahang letamo nokeng, kapa ya pompang metsi ho tswa nokeng, kapa mokoting o tjhekuweng, kapa ya kgutlisetsang metsi a dikgwerekgwere nokeng o etsa tshebediso ya mets. Le rapolasi kapa Eskom kapa boto kapa motho le ha e le ofe ya nka metsi ka kotlolloho ho tswa mohloding.
Le ha e le hore metsi ha a tloswe, empa ho na le kaho nokeng ho rua ditlhapi, kapa borokgo bo botjha bo ahuweng bo sitisa ho phalla ha metsi, ho ntse ho na le kgahlamelo mohloding wa metsi. Diketso tse jwalo di nkuwa e le tshebediso ya metsi. Ho sebedisa metsi bakeng la boikgathollo, jwalo ka diketswana, e ntse e le tshebediso ya metsi.
Keng tse tlang pele tshebedisong ya metsi?
Rizeve ke yona e tlang pele. Empa ho na le tse ding tse tlang pele tse lokelang ho phethwa pele metsi a ka ajwa dibakeng tsa tsamaiso ya metsi. Hore di tle di phethwe karolo ya metsi sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi e behwa tlasa taolo ya Letona.
metsi ao re dumellaneng ho a arolelana le dinaha tse ahisane le rona ka ditumellano tsa matjhaba metsi a sebedisetswang ho fehla motlakase metsi a lokelang ho tsamaiswa ho tloha sebakeng se itseng sa tsamaiso ya ona ho ya ho se seng sa tsamaiso. Dibaka tse ding tsa tsamaiso ya metsi ha di na metsi a lekaneng ha tse ding di na le a mangata tlolo (eketsehileng). Letona le ka dumella ho tsamaiswa ha metsi ho ya dibakeng tse tlang ho arolelana ka tsamaiso ya metsi.
Ho hong ho tlang pele ke rizeve ya metsi ho tiisa hore ho ba le metsi bakeng la lekgatheng le tlang.
Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Setjhaba o lokela ho sebeletsa kaofela ha tse tlang pele. Moralo o ka tlase o bontsha hore phano ya metsi e tla pele jwang Mokgweng wa Naha wa Mehlodi ya Metsi.
Rizeve ke yona feela tokelo ya metsi Molaong wa Naha wa Metsi. Ke yona e tlang pele.
Tshebediso tse ding tse teng ka lebaka la tumello ho latela phano e lekanang, tshebediso e molemong wa setjhaba le bohlokwa ba tikoloho.
Phano e entsweng ke Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha (MTMN) e lokela ho fanwa bakeng la Mokgwa wa Tsamaiso ya Polokelo ATP.
Basebedisi ba metsi ke bomang?
Tshebediso ya metsi e laolwa jwang?
Tshebediso ya metsi e laolwaka ho fana ka melawana e mabapi le tshebediso ya metsi. Molao wa Naha wa Metsi o laola tshebediso ya metsi ka ngodiso le ka mefuta e fapaneng ya ditumello.
Hore ho tle ho laolwe tshebediso ya metsi, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le hloka ho tseba hore ke tshebediso efe e esahalang le ore ke metsi a makae a sebediswang ho tswa mehloding e fapaneng a metsi. Ho fumana tsebo ena, basebedisi ba metsi ba seng ba le tengba lokela ho ngodisa tshebediso ya bona ya metsi ha e le hore ba kga le ho boloka metsi, kapa etsa hore phallo ya molatswana e fokotsehe (difate tsa kgwebo). Ha jwale, tshebediso ya metsi e ngodisetswa Kantorong ya Lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru. Basebedisi ba metsi ba sa ngodisang tshebediso ya bona ya metsi ba kotsing ya ho lahlehelwa ke tokelo tsa bona tseo ba nang le tsona tsa metsi.
Ditshebediso tsena di bitswa tsa tshedisetso shejule ya 1. Ha jwale, tshebdiso bakeng la Shejule ya 1 ha di hloke ho ngodiswa.
Ha o hloke laesense ha tshebediso ya metsi e le tlasa tumello e akaretsang. Tumello e akaretsang ke tumello eo Letona le fanang ka yona bakeng sa tumello tse batlang di le kgolwanyana tse phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso. Elala ya ditumello tse akaretseng e kenyelletsa ho boloka metsi a lekanyeditsweng letamong, kapa ho ntsha metsi a lekanyeditsweng dinokeng tse itseng, kapa mehlodi ya metsi e lefatsheng (mekoting e tjhekuweng).
Mosebedisi o lokela ho etsa kopo ya laesentshe bakeng sa tshebediso le ha e le efe e ntjha e sa behwang tlasa Shejule ya 1 kapa e sa sireletswang ke tumello e akaretsang. Dilaesense tsa mesi di sebedisetswa ho laola tshebediso ya metsi e kgolo ho feta dipehelo tse hlahellang Shejuleng ya 1 mme di dumelletswe tlasa tumello e akaretsang.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru kapa akgente ya tsamaiso ya polokelo di ka ntsha laesense ya tshebediso ya metsi.
etsa kopo Kantorong ya Lebatowa e loketseng ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru bakeng sa laesense; kapa ngodisa tshebediso ya bona ya metsi Kantorong ya Lebatowa.
Dilaesense kaofela di tla ntshuwa le dipehelo tsa laesense. Dipehelo tsena di tla buisanwa le mosebedisi wa metsi moo ho kgonehang. E nngwe ya dipehelo tsa bohlokwa tsa laesense ke nako eo laesense e tlang ho sebetsa ka yona. Basebedisi bohle ba metsi ba lokela ho ikamahanya le dipehelo tse behetsweng laesense ya tshebediso ya bona ya metsi ho seng jwalo ba ka lahlehelwa ke laesense ya bona.
Ho na le tjeho ya ho etsa le ho tsamaisa mohlodi wa metsi hore o tle o sireletswe le ho bolokelwa tshebediso e nang le molemo. Ditjeho tsena ka kakaretso di tla kgutliswa ke basebedisi ba metsi ka ditefello tsa tshebediso ya metsi.
Molao wa Naha wa Metsi o dumella Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru, ka tumello ya Letona la Ditjhelete, ho etsa mokgwa tshebetso (morero) wa ho bala ditefello tsa tshebediso ya metsi.
Letona le se le phatlaladitse mokgwa wa hae wa ho beha ditefello Koranteng ya Mmuso. Molao wa Naha wa Metsi o a modumella ho e fetola nako e nngwe le e nngwe.
Mokgwa o teng wa ho beha tefello o dumella mefuta e meraro ya ditefello.
Ntlha ya pele, tefello ya ho tshehetsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ka ditjhelete ke tefello ya ditjeho tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Yona e tla kenyelletsa tjeho ya ho ngodisa basebedisi, phumantsho ya laesense, ho thea rezeve, ho lekanyetsa phallo ya dinoko, ho beha tekong boleng ba metsi, taolo ya tshilafatso ya le tsamaiso ya poloko ya metsi jj.
Basebedisi ba metsi bohle ba ngodisitsweng le ho ba le dilaesense ba tla lefiswa tefello ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Tefello e ka nna ya se tshwane ho ya ka mofuta wa basebedisi le dibakeng tsa tsamaiso tse sa tshwaneng. Ha jwale, ditefello di nyane bakeng la metsi a ho nwesetsa ho feta metsi a lapeng/indastering.
Ntlha ya bobedi, tefello ya ntshetsopele ya mohlodi wa metsi ke ya ditjeho tsa ho aha le ho sebedisa sekema sa phepelo ya metsi, se kang matamo, dikanale, dikotopo jj tse sebediseetswag ho boloka metsi kapa ho fepela metsi.
Tefello ya ntshetsopele ya mohlodi wa metsi e kenyelletsa ditjeho tsa ho aha sekema sa metsi le ditjeho tsa ho sebedisa sekema.
Ntlha ya boraro, tefello ya ho tsamaiswa ha dikgwerekgwere ke ya ho qhalwa ha metsi a dikgwerekgwere kapa ho a lebisa nokeng le tefello ya mosilafatsi?
Molao wa Naha wa Metsi o lokiseditswe ho thehwa ha diakgente tsa tsamaiso ya polokelo bakeng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi.
Sepheo sa ho theha ATP ke ho kenya setjhaba tsamaisong ya mehloding ya metsi. ATP e tsamaisa mehlodi ya metsi sebakeng sa yona seo e se reretsweng ho ya ka mokgwa wa yona wa tsamaiso ho ya ka mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ya yona.
Diakgente tsa tsamaiso ya polokelo di lokela o etsa bonnete hore ba nang le kgahleho ya ho ba le seabo ho kenyelletsa le baahi ba itlhophereng ba neng ba se na menyetla ba kgona ho ba le seabo dipuisanong le diqetong tse mabapi le ATP.
Ha ATP e thehwa e na le mesebetsi e latelang, e bitswang mesebetsi ya sethatho?
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru se ka boela sa beha (fana) ka mesebetsi e eketsehileng ho ATP e kang tsamaiso e akaretsang ya mehlodi ya metsi sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi ke sehlopha sa basebedisi ba metsi ba lakatsang ho sebetsa mmoho. Basebedisi ba metsi ba sebedisana ho phetheng mesebetsi e mabapi le metsi boemong ba lehae molemong wa bona. Mohlala mokgatlo wa basebedisi ba metsi o ka thehwa ha sehlopha sa borapolasi ba batla ho aha kanale kapa letamo la bohle molemong wa bona kaofela, kapa sehlopha sa borapolasi ba batjha ba batla ho sebetsa mmoho?
Diboto tse teng tsa ho nosetsa, diboto tsa metsi a ho fuwa diruuwa le diboto tsa taolo ya metsi tse lebelletseng tshebediso ya metsi a mobung (diboto tsa taolo ya metsi a ka tlasa mobu) di tla fetolwa ho ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi. Sena se ka kenyelletsa katoloso ya sebaka seo ditsha tsena di nang le matla a semolao ho tsona ho kenyelletsa basebedisi ba bang kapa mehlodi e meng ya metsi.
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi e ka ba karolo e le nngwe kapa mokgatlo wa dikarolo tse ngata. Mokgatlo wa karolo e le nngwe e na le sehlopha sa basebedisi ba tshwanang, mohlala borapolasi ba sa qalang, mme o sebetsa melemong ya borapolasi bao. Mokgatlo wa dikarolo tse ngata o thehuwe ka sehlopha sa basebedisi ba fapaneng, mohlala indasteri, temothuo, merafo le jwalo jwalo, mme o sebetsa molemong wa basebedisi bana ba sa tshwaneng.
Sepheo sa MBM ke ho kgontsha basebedisi ba metsi ho sebetsa mmoho le ho kopanya mehlodi ya bona (ditjhelete, mehlodi ya botho le tsebo) hore ba tle ba kgone haholwanyane ho phetha mesebetsi e amanang le metsi. MBM e na le karolo ya bohlokwa eo e nang le yona phedisong ya bofuma le ho fana ka tshireletso ya dijo.
Molao o fana ka matla ho Letona ho theha dikomiti tsa boeletsi. Dikomiti tsena di ka thehelwa dipheyo tse fapaneng le mesebetsi e sa tshwaneng. Dikomiti tsena bongata ke tsa boeletsi, empa Letona le ka fana ka matla a itseng ho dikomiti tsa boeletsi.
Molao wa Naha wa Metsi o lokisetsa ho thehwa ha mekgatlo e tlang ho kenya tshebetsong ditumellano le matjhaba. Ditumellano tsena di mabapi le tsamaiso le ntshetsopele ya mehlodi ya metsi a arolelanwang le dinaha tsa boahisane.
Molao wa Naha wa metsi o dumella Mmuso ho aha, ho ba le kapa ho reka matamo le dibakeng tse ding tsa metsi (dibopeho tsa motheo), ha di le molemong wa setjhaba. Mmuso o lokela ho fana ka metsi ho tswa matamong le dibakeng tsa ona tsa metsi ka mokgwa o tshwanang le ha di fana ka metsi ho tswa mohloding.
Molao wa Naha wa Metsi o na le letoto la mekgwa ya taolo ho ntlafatsa polokeho ya matlamo a matjha le a ntseng a le teng. Sena ke ha ho na le kotsi ya polokeho.
Matamo a maholo a ka ba kotsi e kgolo bathong le tikolohong. Matamo a sa ralwang hantle kapa a sa tlohetswe hore a theohe maemo ka baka la ho se bolokwe hantle ke kotsi e ikgethang.
Molao wa Naha wa Metsi o fana ka motheo wa Lekgotla la Metsi ho mamela boipiletso kgahlano le diqeto tse itseng kapa ditaelo tse fanweng ke ba ka sehloohong kapa ditsha tsa tsamaiso, tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo. Lekgotla la Metsi ke mokgatlo o ikemetseng.
Mosebedisi wa metsi a ka ipiletsa Lekgotleng la Metsi kgahlano le mefuta e fapaneng ya qeto e entsweng ke ditsha tsa tsamaiso ya metsi, mohlala ditleleimi tsa ditjeho; dishejule tsa phano ka metsi; diqeto ka dilaesense; jwalo jwalo.
Lekgotla la Metsi le thehuwe ka Mphalane 1998. Le ka tshwara dikopano dibakeng tseo lebaka la ketsahalo le hlahileng ho sona. Mesebetsi ya Lekgotla e tshehetswa ka ditjhelete ke Botshwaramatlotlo ba Naha.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tataiso ya boithuti b.txt</fn>
Mmuso o kentse lenaneo le letjha la thupelo le bitswang la boithuti. Mananeo ana a buletswe batho ba hlokang mesebetsi. Pampitshana ena e hlalosa ka moo mananeo ana a sebetsang ka teng.
Boithuti ke eng?
Boithuti ke lenaneo la ho ithuta le lebisang mangolong a mosebetsi. Boithuti bo kenyelletsa ho ithuta ka phaposing ya thuto kholetjheng kapa setsing sa thupelo le thupelo ya ho tshwara ka matsoho sebakeng sa mosebetsi. Hore o kene boithuting taba ya bohlokwa e lokelang ho lokiswa pele ke hore ho be le ramosebetsi ya thahasellang le hona ho kgona ho fana ka boiphihlelo mosebetsing.
Ke mang ya ka kopang ho ba boithuting?
Motho e mong le e mong a ka ikopela ho ba boithuting. Sena se bolela hore boithuti bo lokela ho ba teng bakeng ba batho ba batjha ba tswang dikolong le dikholetjheng le batho ba hlokang mosebetsi hammoho le batho ba seng ba sebetsa. Boithuti ba bo kgethe boholo ba dilemo.
Ha ho kgethwa batho ba tla kena boithuting mmuso o dumetse hore bonyane 85% ya baithuti ba be batsho, 54% e be basadi mme 4% e be batho ba qhwadileng.
Na ditjeo tsa teng ke bokae?
Motho ha a lefe ho ba boithuting. E mong le e mong ya kgethetsweng ho ba lenaneong la boithuti o lokela ho leshwa tjhelete e itseng ke ramosebetsi. Hore o tla fumana bokae ho laolwa ke mofuta wa boithuti. Letona la Mesebetsi le behile bonyane bo ka leshwang hammoho le maemo empa ramosebetsi a ka nna a lefa ho feta moo. Ho etswa tumellano ya tefo le maemo le moithuti ka mong pele lenaneo le qala.
Bo nka nako e kae?
Bolelele ba boithuti bo tla fapana, empa ka tlwaelo ha e be ka tlase ho selemo.
Ho bolelang ho nna ha ke kena boithuting?
Ha o amohetswe ho kena boithuting o tla saena tumellano ya molao le ramosebetsi. Motho kapa mokgatlo o fanang ka thupelo ya ka phaposing le yena o lokela ho saena. Mona ho tla hlaloswa hantle tse lebelletsweng ho wena le tseo o lokelang ho di etsa.
Ke bomang ba ka hara boithuti mme seabo sa bona ke sefe?
Moithuti o kenngwa boithuting. O saena tumellano ya molao le ramosebetsi, e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba moithuti, mme o qala ka lenaneo la ho ithuta.
Ramosebetsi o fana ka boitsebelo ba mosebetsi e le karolo ya botsebi mme o saena yona tumellano ya molao e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba ramosebetsi, ho kenyelletswa le mothati wa tjhelete e leshwang mothuti.
Bafani ba thupelo ba fana ka thupelo lebitsong la ramosebetsi mme le bona ba saena tumellano eo ya molao e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba mofani wa thupelo.
Sector Education and Training Authority (SETA) e hlophisa le ho thusa ka ditjhelete tsa boithuti karolong e itseng ya moruo (ho etsa mohlala transporoto kapa bohahlaudi le kamohelo ya baeti), mme e nnetefatsa hore thupelo e maemong a indastri (tiiso ya boleng).
Lefapha la Mesebetsi le thaotha, le kgetha le ho romela batho ba hlokang mosebetsi ba kgotsofatsang bonyane ba ditlhoko tse behilweng bakeng sa boithuti bo itseng ho boramosebetsi ba hlokang baithuti. Ramosebetsi o etsa qeto ya makgaolakgang.
Ke tla fumanang pheletsong ya boithuti?
Ha boithuti bo phethilwe ka katleho o tla ba le mangolo a amohelwang hohle naheng. Ho bontsha hore o na le mangolo ao o tla setefikeiti. Setefikeiti sena se tla hlalosa botsebi bohle boo o ithutileng bona.
Ke tla fumana mosebetsi ka mora ho phetha boithuti?
Ha eba o ne o hloka mosebetsi ha boithuti bo qala ha ho tiiso ya mosebetsi qetellong. Ramosebetsi ya o fang thupello ha a a tlameha ho o fa mosebetsi. Empa ka mangolo ao le boitsebelo ba mosebetsi o tla boemong bo botle ba ho fumana mosebetsi ho feta pele. O ka nna wa nahana ka ho ithuta ho tswela pele kapa wa iqalla kgwebo ya hao.
Ke ikopela boithuti jwang ha eba ke hloka mosebetsi?
Ingodise Lefapheng la Mesebetsi o le motho ya batlang mosebetsi ka ho tlatsa foromo e hoketsweng ya boingodiso le foromo e bontshang ditshekamelo tsa hao. Ha o qeta e kgutlisetse ho basebetsi ba setsi sa mesebetsi kapa o e pose.
Etsa hore dintlha tsa moo o ka fumanehang di dule di lokile ka mehla.
Setsi sa mesebetsi se tla ikopanya le wena ha eba o na le tse hlokahalang bakeng sa boithuti ho ramosebetsi ya itseng.
Ebang o na le tse hlokwang o ka nna wa bitswa ho tla hlalosetswa, mohlomong le ho hlahlojwa pele ho kgetho ya ho qetela.
O hlahile neng?
Na o na le boqhwala?
Na o moahi wa Afrika Borwa?
O pasitse sehlopha sefe sekolong?
Nako e kae?
Ke tiisa hore lesedi le fanweng mona ke nnete.
Mona o fuwa lenane la dikarolo tse fapaneng tsa ho ithuta le diketsahalo tse o ka kgonang ho di etsa karolong eo ya ho ithuta. Etsa eka o kgona ho etsa diketsahalo tsohle, fana ka matshwao karolong ya ho ithuta kang ho ya ka moo o ratang kapa o thabelang diketsahalo tsa teng ka teng. Hangata tsa boikgathollo di ka nna tsa bontsha thahasello ya hao. Ha eba o rata e nngwe ya diketsahalo tse boletsweng e le mohlala karolong ya ho ithuta, sehella ketsahalo eo mola ka tlase mme o fe karolo ya ho ithuta matshwao ho ya ka moo o ratang ketsahalo e sehetsweng mola ka teng. Ho fana ka matshwao ho lokela ho etswa tjena: 1- Ha ke e rate ka ho fetisisa, 2 Ha ke e rate, 3 Ke e rata ho mahareng, 4 Ke a e rata, 5?
Temo le paballo ya tlhaho.
Ho hlahisa dijo ka temo. Ho hlokomela dijarete, meru, le tlhaho. Bolemi ba dijalo le diphoofolo, ho sebetsa dipakeng, majareteng le merung le paballo ya tlhaho.
Setso le bonono.
Ho etsa dintho tse ntle kapa ho etsa thabisa batho ka diketsahalo. Ho bopa, ho etsa difaha, ho tjeka, ho bina, mmino, dipapadi, ho nka ditshwantsho, thelevishene, video, ho bapala dipaleng, ho rala mekgabiso, ho taka ka pente, le ho tshwantsha.
Kgwebo, khomese le botsamaisi.
Ho hlophisa, ho rera le ho nnetefatsa hore khampani e tsamaiswa hantle. Ho etsa ditatemente tsa tjhelete tsa khampani, ho tsamaisa khampani, ho tsamaisa basebetsi, ho rekela khampani thepa, ho rekisa thepa ya khampani, ho tsamaisa kantoro, ho hlokomela dikamano tsa khampani le setjhaba, k.h.
Dithuto tsa Puisano le Puo.
Ho sebedisa puo ho thusa batho ho fumana lesedi ka ho bua le ho ngola. Mofetoledi, moqolotsi wa ditaba wa magazine kapa koranta, setsebi sa puo, mongodi wa dikopi, ho ngola ditaba kapa ditokomane.
Thuto, thupelo le ntshetsopele.
Ho ruta le ho rupela batho. Titjhere dikolong, thuto e phahameng, dibaka tsa thuto e phahameng jwalo ka diyunivesithi, ditheknikone le ditheknikale kholeje, ho ruta bana ba banyenyane (Tlhabollo ya bana ba banyenyane).
Ho hlahisa, boenjinere le theknoloji.
Metjhini e tshwantshang, marokgo, ditsela, difofane, metjhini ya motlakase le ya elektroniki, ho etsa le ho kopanya dikarolo tsa metjhini hore di sebetse hantle, le ho sebetsa mmaeneng.
Dithuto tsa botho le tsa phedisano.
Ho ithuta ditlwaelo tsa batho hore o kgone ho ba thusa. Ho sebetsa le batho le ba ntshetsa pele (Saekholoji le thupelo ya botsebi bophelong), dithuto tsa bodumedi (baruti le baprista), histori, ho ithuta lefatshe le hore ke hobaneng batho ba phela metseng e meholo (Thuto ya lefatshe), ho ithuta dikamano tsa botho (Sosioloji), ho ithuta batho le diphoofolo tsa kgale (Akheoloji).
Molao, saense ya sesole le polokeho.
Ho hlokomela paballeho le polokeho ya batho le toka naheng Sepolesa, boramolao le batjhotjhisi, ditshebeletso tsa tshokollo (ditjhankane), ho nkela mosebetsi wa bosole (lebotho la naheng, la metsing le la moyeng).
Disaense tsa bophelo bo botle le disaense tsa phedisano.
Ho thusa batho ka ho hlokomela bophelo ba bona bo botle ba mmele le kelello le thekolohelo. Ho thibela ho kula, ho kgothalletsa bophelo bo botle, ho hlokomela batho ba kulang, ho oka, mosebetsi wa diambolense, mosebetsi wa bongaka, mosebetsi wa setjhaba.
Disaense tsa Mmetse, khomputha le tsa bophelo.
Ho sebetsa ka dinomoro ho rarolla diqaka, ho sebetsa ka dikhomputha ho boloka lesedi le ho sebetsa ka dintho tse phelang. Dithuto tsa khomputha, rammetse, bayoloji (thuto ya dimela le diphoofolo).
Ho thusa batho ba bang jwalo ka ho ba thusa restjhorenteng le dihoteleng le dibakeng tse ding tsa ho iketla, ho sebetsa o le tjhefe, mosupatsela wa bahahlaudi, lehokela la baeti, mohlokemedi wa diphoofolo tse hlaha, transporoto jwalo ka mokganni wa teksi, mokganni wa bese, bohlokomedi ba batho jwalo ka mohlokomedi wa meriri, ho hlokomela maqheku, mosebeletsi wa malapeng, ho sebetsa hoteleng, ho rekisa (morekisi).
Ho rala dibopeho le ho aha.
Ho rera le ho tshwantsha meaho jwalo ka ho Akhithektjha, ho aha matlo, ho etsa ditsela le marokgo, ho kenya dithapo tsa motlakase meahong.
Ngola dikarolo tse tharo tsa ho ithuta tseo o di fileng matshwao a mangata ka ho fetisisa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tataiso ya rapolasi.txt</fn>
Nyane. Ha o ka lefa tjhelete eo ka nako, o ka adima e ngatanyana. Nako tsohle ha o lefa kadimo ya hao ka nako, o ka nna wa tswelapele ka mohato o latelang wa ho adima tjhelete e ngatanyana ho feta pele. Lenaneo la Lere ya Kadimo ya ho Inyolla le o fa monyetla wa ho iketsetsa rekoto e ntle ya mokitlane.
R1 900 e setseng ke phaello ya hao ka ho toba.
Lefa R1 000 ya banka Ikopanye le LDT bahlanka ba le tswala ya yona tsa temo bakeng la keletso mabapi le tlhophisetso le poloko ya masimo le ho jala peo.
Hlokomela masimo nakong ya kgolo ya dijalo.
Hela jwang naheng. Paka jwang ho etsa mekato Mekotla polasetiki le yona e ka e mmedi ho fihlela e ba sebediswa ho boloka metsi mobung disentimitara tse hlano etsa bonnete hore ba Siya dikgeo pakeng tsa Hatella dipolasetiki ka mobu ho di hore ha ho be le lehola dikutu boloka di tsitsitse.
Phunya masobana polasitiking ho dumella pula kapa metsi ho kena ha ho nosetswa.
Bongata ba matlakala Eketsa ka tshela metsi Tshela mobunyana bo loketse dipampiri. empa a se be kapa manyolo, ho ho ba manyolo. mangata. qala ho bodisa.
Eketsa ka manyolo.
Eketsa qubu ho fihlela e ema qholong.
Kwahela ka jwang ho boloka mongobo.
Phethola qubu ka mora dibeke tse 6 ho bulela moya.
Tshela metsi hape empa o seke wa tshela a mangata.
Monontsha wa hao o lokela ho ba o lokile nakong ya dikgwedi tse tharo.
LEKGOTLA LA DIPHUPUTSO hao.
Mokgwa ona wa ho nosetsa o Sebedisa mokgwa wa sebedisa metsi a sesepa mme mekato ho lokisetsa o ka kgona ho hlahisa ho fihlela mobu o katlasa diphaephe ho 500kg ya meroho le 60kg ya tse nang le masobana. Phaephe ya merara ka selemo. naelone ya mobu sebopeho sa T.
Bonyane 200 ya dilitara tsa metsi monontsha e a hlokeha ha raro ka beke hore ho mobu Setswe sa pompo sa fumantshwe lelapa meroho le ditholwana.
Tjhesa sepekere sa botenya ba E phuthe bokgutlong mm hore o tle o phunye le ho e fasa ka terata masobana.
mm ya naelone e kenngwe Bokantle ba lebidi bo kgareng masobeng le ho faswa ka hokelwa ka bokgutlong. Dithapo di ka phaephe e nngwe le tsamaiswa ho ya pele le morao ho potapotwa ka ho bula masoba a kwalehileng. terata ho thibela diphoofolo. E ka sebedisetswa dinawa.
Kaofela dinotshi tsa basebetsi di tshehadi mme ke tsona tse hahang sebaka sa ho qhotsetsa, tse fepang notshi e kgolo le tse nyane, tse bokelletsang mahe le phofo ya dipalesa. Di sirelletsa lelapa ka metsu ya tsona e hlabang.
Mosebetsi wa notshi e kgolo ke ho behela mahe. Ho na le e le nngwe lapeng ka leng, mme e phela nako e telele ho feta tse ding. Di sebedisa metsu ya tsona e hlabang ho lwanela boetapele.
Didrone ke dinotshi tse tona mme di etsa thobalano le notshi e kgolo ha di ntse di fofa. Dikgolo e bile di matla=di a shwa hanghang ha di qeta ho etsa thobalano.
Dinotshi ke tsona tse etsang hore phofo ya dijalo e tlohe sebakeng se seng ho ya ho se seng.
Bongata ba meriana ya sefuba bo na le mahe a dinotshi, dihlahiswa tse ding tsa bophelo bo botle tse kang divithamini le tse nwellwang ho fana ka matla di na le phofshwana ya sejalo.
Dinotshi di bokelletsa lero la dijalo ho etsa mahe a dinotshi.
Mahe a dinotshi a ka sebediswa a nkela tswekere sebaka, mme a na le dimenerale le divithamini tse ngata.
Ho iphumanela sebaka sa ha o sa ho qhotsetsa mahe a dinotshi, tshwara sehlopha sa dinotshi tse fofang di labile nqa e itseng. Netefatsa hore o tshwara notshi e kgolo. Apara diaparo tse tshweu kapa tse tshehla tsa tshireletso mme o sebedise mosi ho thethefatsa dinotshi.
Bobatsi ba lebokoso bo hlokolotsi ho ka netefatsa hore ho ba le karolo e le nngwe ya ntlwana ya dinotshi lepolankeng ka leng.
Ntlwana e ka hodimo e etsa hore mosebetsi ya sebetsang ka dinotshi a hlahlobe kapa a tlose dikarolo tsa polokelo ya dinotshi ntle le ho senya sebaka kaofela sa ntlwana ya dinotshi.
Etsa bonnete ba hore pente e omme pele o ka kena dinotshi kahare.
Ditamati di hola hantle ka ho fetisisa hlabula.
Ho nosetsa ditamati o di tshella ho tswa ka hodimo ha tsona ho etsa hore di bole mme di be le bolele. Sebedisa mokgwa wa ho nosetsa wa tshela metsi ka foro.
Tlamella dimela ha di sa le nyane thupeng ho di boloka di eme tswe.
Qala ka ho lokisetsa ho lema ka selemo.
Etsa mobu o be senyekgenyekge o tebisitse.
Ka mora kgwedi.
Dula o hlaola lehola kgafetsa.
Sebedisa senontshi sa mobu se ka tlalang letsoho skwere mitara ka seng kpa ho ka tlang matsoho a mane a manyoro.
Lwantsha dikokonyana ka ho sebedisa dikhemikhale kapa thuso ya oganiki.
Ka mora dikgwedi tse ding tse nne.
Kotula ditamati ha di qala di ba mmala o pinki kapa o di tlohele ho fihlela di butshwa.
Etsa diforo (bohole ba ntho e ka etsang foroko ya kgarafu e le nngwe). Lema dijalo tsa hao ntho e ka etsang bohle ba karole e kapele ya letsho ka ho latelang ha tsona.
Di lemele bophahamong ho fapana le diforong.
Ditamati e ba dithatohatsi ha ho tluwa dipitseng tsa ho phehela.
Etsa diforo mme o leme dijalo tsa hao bohole ba letsoho ka karohano ya tatellano.
Etsa bonnete ba hore methapo ya dijalo tsa hao e sheba tlase ka kotloloho.
Qala ka selemo.
Etsa mobu o be senyekgenyekge.
Tshela senontsha mobu.
Ka mora kgwedi, kwahela mme o phethophethole ha bobebe.
Tlosa lehola kgafetsa.
Sebedisa senontshi sa mobu se ka tlalang letsoho sekwere mitara ka seng kpa ho ka tlang matsoho a mane a manyoro.
Hlokomela dikokonyana mme o di lwantshe ka ho sebedisa dikhemikhale kapa thuso ya oganiki.
Kotula ka mora kgwedi tse tharo.
Tlohela peo ya hao e le ka hara metsi bosiu kaofela.
E leme tshingwaneng mme o e nosetse kgafetsa.
Ntsha le ho lema dimela tsa hao ha di le bolelele ba monwana o motona.
Salate ya bete ke sejo se monate se batang.
kapa ka tshebediso ya phaephe e nang le masobana?
kapa o sebedise mokgwa wa ho tshela metsi ka foro.
Qala ka hwetla KAPA selemo.
Etsa mobu o be senyekgenyekge ka ho teba.
Ka mora ho jala kgwedi.
Kwahela mme o nne phethophethole ha bonojwana.
Sebedisa senontshi sa mobu se ka tlalang letsoho sekwere mitara ka seng kpa ho ka tlang matsoho a mane a manyoro.
Hlokomela dikokonyana mme o di lwantshe ka ho sebedisa dikhemikhale kapa thuso ya oganiki.
Ka mora kgwedi tse nne.
Kotula ha makaqa a se a le maholo.
Ho sebedisa mokgwa wa ho nosetsa wa tshela metsi ka foro, sebedisa le ho jala peo ya hao ka ho e jala mabopong a foro sebaka sa karolo e ka pele ya letsoho bophara ba karohano.
Jala dimela ka thoko ho moo ho tlang ho tsamaya metsi mabopong a foro.
E seng ka hodima ona.
Khabetjhe ke sejalo se loketseng thekiso.
Qala ka selemo.
Tshela senontsha mobu.
Sebedisa senontshi sa mobu se ka tlalang letsoho sekwere mitara ka seng kpa ho ka tlang matsoho a mane a manyoro.
Kwahela mme o nne phethophethole ha bonojwana.
Etsa mobu o be senyekgenyekge ka ho tebileng.
Tlosa lehola kgafetsa.
Hlokomela dikokonyana mme o di lwantshe ka ho sebedisa dikhemikhale kapa thuso ya oganiki.
Kotula ka mora kgwedi tse tharo.
Karolo tse ka hodima mobu tsa dihwete hangata di a kgaoha ha dihwete di kgolwa.
Qala ka ho dihatella fatshe.
O ntano di hula.
Dihwete di bokelletsa tse molemo ho tswa mobung.
Reka dithupa tse sa le ntjha tsa morara.
Etsa diforo sebaka sa bohole ba mitara ka ho arohana. Lema dikotwana tsa dithupa tsa morara hodima mabopo a diforo.
Pudulwana tse pedi ho ya ho tse nne tse melang dikotwaneng di lokela ho ya tlasa mobu. Tiisa mobu ka tlasa sekotwana.
Tlosa lehola kgafetsa.
Hlokomela dikokonyana mme o di lwantshe ka ho sebedisa dikhemikhale kapa thuso ya oganiki.
Ho nka kgwedi tse pedi hlano ho ka kotulwa.
Kgaola dithupa tsa merara le mahlaku a tsona.
Ntsha dipotata ka hloko e kgolo.
Masimo a ditapole a lokela ho fapanyetsana le poone, eie le dinawa.
Ke semela se etsang tjhelete e ntle.
Tokiso ya mobu: phethola mobu ka botebo ka fereko ya ho phethola mobu.
Hasa senontsha mobu ho phatlalla le sebaka.
Haraka hantle mme o tlose makote le majwe.
Etsa diforo tse arohaneng sebaka sa mitara (+/- fereko e le nngwe ya ho phethola mobu).
Lema dijalo tsa hao moo ho fihlellang metsi.
di leme sebakeng sa 30-50 ya disentimitara ka karohano (+/- bolelele ba letsoho).
Nosetsa kgafetsa Beke ya pele?
Beke ya bobedi?
Beke ya boraro le ho feta?
Kwala diforo ha metsi a se a le botebo ba pedi borarong ho theosa le tsona.
Kwehela bekeng ya bobedi le ya bohlano ka mora ho lema (k.h.r. LAN) mme o leke ho e kenya ha bobebe mobung.
Tlosa lehola lohle, sena se tla netefatsa hore ho ba le tjhai e ntle mme ha ho na phehisano le sejalo?
Thibela dikokonyane tse ka senyang dijalo.
Sebedisa dihlahiswa tse rejistaruweng kapa thuso ya oganiki ka ho fafatsa dikokonyana tse onahalang di le teng.
Kotula ka mora matsatsi a 60 - 90.
Ithekisetse ka bowena.
Ho lema eggplant ho fa setjhaba monyetla wa ho iphumana, mesebetsi, dijo, botsitso le lekeno.
Eggplant e fana ka bophelo, e na le matla le kotlo. Ithabise ka ho lema!
Tokiso ya mobu: phethola mobu ka botebo ka fereko ya ho phethola mobu.
Hasa senontsha mobu ho phatlalla le sebaka.
Haraka hantle mme o tlose makote le majwe.
Lokisa sebaka sa hao sa ho jala hore o tle o kgone ho jala peo ya hao?
Lema peo ya hao botebo ba 1cm (+/- botebo ba lenala) ka tatellano ya menwana e meraro.
Ka mora dikgwedi tse pedi ho lenngwe, pheta mehato ya 1-5 ho lokisetsa diforo ho jala dijalo?
Lema dijalo tsa hao moo ho fihlellang metsi.
Arola dijalo ka tatellano ya 5-8cm (+/- menwana e mene).
Nosetsa kgafetsa Beke ya pele?
Beke ya bobedi?
Beke ya boraro le ho feta?
Kwala diforo ha metsi a se a le botebo ba pedi borarong ho theosa le tsona.
Kwehela bekeng ya bone le ya botshelela ka mora ho lema (k.h.r. LAN 10 g/sekwere mitara ka seng) mme o leke ho e kenya ha bobebe mobung.
Tlosa lehola lohle, sena se tla netefatsa hore ho ba le tjhai e ntle mme ha ho na phehisano le sejalo?
Thibela dikokonyana tse senyang dijalo.
Sebedisa dihlahiswa tse rejistaruweng kapa thuso ya oganiki ka ho fafatsa dikokonyana tse onahalang di le teng.
Kotula ha 30-50% ya mahlaku a sekama.
ithekisetse ka bowena.
Ho lema eie ho fana ka matlafatso, mesebetsi, dijo, botsitso le lekeno.
Eie e fana ka bophelo, e na le matla le kotlo. Ithabise ka ho lema!
Tokiso ya mobu: phethola mobu ka botebo ka fereko ya ho phethola mobu.
Hasa senontsha mobu ho phatlalla le sebaka.
Haraka hantle mme o tlose makote le majwe.
Nosetsa kgafetsa Beke ya pele?
Beke ya bobedi?
Beke ya boraro le ho feta?
Kwala diforo ha metsi a se a le botebo ba pedi borarong ho theosa le tsona.
Kwahela dibekeng tsa 2 le 5 kamora ho lema k.h.r. LAN mme o phethophethole mobu ha bobebe.
Tlosa lehola lohle, sena se tla netefatsa dijalo tse ntle ha ho na ho ba le pheisano kgahlano le dijalo?
Thibela dikokonyana tse ka senyang dijalo.
Sebedisa dihlahiswa tse rejistaruweng kapa thuso ya oganiki ka ho fafatsa dikokonyana tse onahalang di le teng.
Ho lema cucurbits ho fana ka matlafatso, mesebetsi, dijo, botsitso le lekeno.
Cucurbits di fana ka bophelo, di na le matla le kotlo. Ithabise ka ho lema!
Tokiso ya mobu: phethola mobu ka botebo ka fereko ya ho phethola mobu.
Hasa senontsha mobu ho phatlalla le sebaka.
Haraka hantle mme o tlose makote le majwe.
Lokisa diforo tsa moo o tlang ho lemela teng bohole ba 20?
Nosetsa kgafetsa Beke ya pele?
Beke ya bobedi?
Beke ya boraro le ho feta?
Kwala diforo ha metsi a se a le botebo ba pedi borarong ho theosa le tsona.
Kwahela bekeng ya 4 ka mora ho lema (k.h.r. LAN 20 g/m2) mme o phethophethole ha bobebe.
Tlosa lehola lohle, sena se tla netefatsa hore ho ba le tjhai e ntle mme ha ho na phehisano le sejalo?
Lwantsha dikokonyana tse senyang dijalo.
Sebedisa dihlahiswa tse rejistaruweng kapa thuso ya oganiki ka ho fafatsa dikokonyana tse onahalang di le teng.
Kotula nakong ya matsatsi a 60-90 ka mora ho lema kapa ha mobu o se o qala ho peperana.
Ithekisetse ka bowena.
Ho lema turnips ho fana ka matlafatso, mesebetsi, dijo, botsitso le lekeno.
Turnips di fana ka bophelo, di na le matla le kotlo. Ithabise ka ho lema!
Tlosa kapa tjhesa lehola moo ho tlang ho lengwa teng.
Tokiso ya mobu: Phethola mobu ka botebo ka fereko ya ho phethola mobu (mobu o mongobo).
Haraka hantle mme o tlose makote le majwe.
Etsa diforo tse arohaneng bohole ba 1m (+/- bolelele ba fereko e le nngwe) le +/- 15cm ka botebo.
a. Senontsha mobu: tshela senontsha mobu diforong. Letsoho le le leng/1 mitara ya roro ka bolelele.
b. Mitedi: tshela moitedi pele o qala ka ho lokisa mobu le ho kopanya ka ho phethahala le mobu nako eo o phetholang mobu. Haraka ka bosesanyane le ho lokisa mobu ho ya ka 4.
Lema ditapole tse medisang bolelelle ba 30 cm ka karohano (leoto le le leng) diforong.
a. Nosetsa kgafetsa: ho tloha ho lemeng ho fihlela semela se hlahella ka hodima mobu?
b. Nosetsa ha semela se le ka hodimo ha mobu ho fihlela se qala ho bajwa?
Arola ditapole ha dimela di kopana meleng ya tsona mme o tlose lehola.
Kotula ditapole ha dimela di bajuwe ka ho phethahala (tlosa ditapole tse kotutsweng letsatsing le tobileng ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng).
Boloka ditapole tse kotutsweng sebakeng se fifetseng, se ommeng le se phodileng.
Rekisa sehlahiswa sa hao mmarakeng wa selehae, KAPA ithekisetse sehlahiswa sa hao.
Ho lema ditapole ho fana ka ntlafalo setjhabeng, mesebetsi, dijo, polokeho le lekeno.
Ditapole di phetse hantle, di tletse bophelo mme di a otla. Ithabise ka ho lema!
Groundnuts di hlolela ka hara dikarolo tsa semela tseo e leng karolo ya methapo ya sona.
Bambara groundnut ke selengwa sa hlabula dinaheng tsa Afrika mme e ka lengwa dibakeng tse ommeng moo matokomane a tlwaelehileng a kekeng a mela teng.
Qala ho lema bohareng ba hlabula.
Bakeng sa sekwere mitara ka seng sa mobu, sebedisa letsho le le LENG la senontsha mobu. KAPA matsoho a mane a moitedi.
Etsa ditutudu le diforo tse arohane bolelele ba mitara.
Lema peo bohole ba 40-50 cm ka karohano moleng ka mong.
Se ke wa lema ka hodimodimo ho tutudu.
Bambara e thata kgahlano le komello, empa e ka sebetsa betere ha e nosetswa kgafetsa.
Fafatswa dinontshi ha bobebe mme o kopanye le mobu.
Tlosa lehola kgafetsa.
Phaella mobu kgahlano le kutu ya semela ho kgothalletsa ho hola ha sona ka tlasa mobu.
Bambara e nka dikgwedi tse 3-4 ho hola ka ho phethahala.
Kotula ka ho ntsha dijalo le motso ka mohoma kapa fereko.
Dinate di ka tlohelwa ho oma kapa tsa bulwa hang hang.
Bambara, setereke se Timbuktu ho la Mali (Afrika Bophirima) ke yona eo froundnut ena e fumaneng lebitso la yona ho yona. Le ha ho le jwalo, e thabelwa kontinenteng kaofela. Batho ba bang ho yela Borwa ba e bitsa Congo-bean kapa yona Njungo-bean?
Poone ke selengwa sa hlabula mme se lokela ho lengwa hang ka mora puola tsa pele.
Roba makote le ho le ho haraka hantle.
Reka peo e loketseng sebaka sa hao.
Etsa diforo tsa mitara (bolele ba fereko ya ho lema). Fafatsa senontsha mobu 3:2:1 diforong.
Diforo di lokela ho ba botebo ba seatla.
Sebedisa senontsha mobu se ka fellang ka hara kotikoti ya senomaphodi bakeng sa dimitara tse ding le tse ding tse 14 (Mehato e bulehileng).
Manyoro kapa moitedi di ka nkela senontsha mobu sebaka ka ho phethahala.
Etsa mekoti ya 5 cm (halofo ya bolelele ba monwana wa bone) le karohano ya 50 cm diforong tse tshetsweng senontsha mobu.
Dikgobe tse pedi ho isa ho tse tharo mokoting ka mong.
Ka mora kgwedi?
Ntsha dijalo tse sa leng nyane le ho di lema ka bonngwe ka bonngwe.
Hlaola lehola kgafetsa.
Kgola poone e tala ka mora kgwedi tse nne.
Ho nka dikgwedi tse tsheletseng ho kotula.
Kgola poone e ommeng.
Etsa bonnete ba hore poone e omme pele o ka e boloka.
Kgaola mahlaka a setseng o a bolokela ho a fa dikgomo.
Poone e ntse e le thatohatsi Afrika.
Reka peo e loketseng sebaka sa haro, kapa sebedisa e ntle ya tjhai e fetileng.
Etsa diforo (tsa botebo ba seatla) mme tse arohaneng boleleleba mitara (fereko ya ho lema).
Sebedisa senontsha mobu se ka fellang ka hara kotikoti ya senomaphodi bakeng sa dimitara tse ding le tse ding tse 14 (Mehato e bulehileng).
Manyoro kapa moitedi di ka nkela senontsha mobu sebaka ka ho phethahala.
Sebedisa mabokoso a 2 a mollo a tletseng peo bakeng sa dimitara tse ding le tse ding tse 14 mehato e 14 e bulehileng mola ka mong.
Ntsha dijalo tse nyane ho be le tse pedi sebakeng ka seng.
Hlaola lehola kgafetsa.
Leleka dinonyana hang ha peo e se e qala ho hlaha.
Kgaola dihloho tse ommeng.
Kenya peo ka mokotleng.
Pola mokotla ho hlohlora peo ho tswa dihlohong.
Ho nka dikgwedi tse 5 ho fihla kotulong.
Kgola ditlhaka tse setseng o di bolokele ho di fa dikgomo.
Mabele ke dijo tse pehtseng mme a etsa jwala bo monate!
Dikokonyana hangata di senya dijo tse bolokilweng.
Hlatswa le ho hlakola ditshelo tse sebedisetswang ho boloka dijo.
Bedisa mekotla ya ho boloka dijo ho bolaya dikokonyana tsohle tse ka bang teng.
Hlatswa ka sesepa.
Mekotla ya ho boloka dijo ha e a lokela ho ba mongobo.
Hlokomela sebaka sa ho boloka dijo.
Boloka sebaka sa ho boloka dijo se hlwekile ka nako tsohle.
Tlosa makgapetla diqong tsa poone.
Kgothola poone pele o e boloka.
Sebedisa karolo ya sebolaya dikokonyana bakeng sa dikarolo tse nne tsa poone.
Sila molora o wa mollo o neng o pheha ka ona ho etsa phofshwana.
Sila molora wa lekgala le tjhisitsweng ho etsa phofshwana.
Sila khakibos e omisitsweng letsatsing ho etsa phofshwana.
Difate di ka fumanwa sebakeng sa ho hodisa dimela.
Kenya semela mokoting o moholo ho menahane habedi ho se feta.
Tlatsa mokoti ka mobu le moitedi mme o nosetse kgafetsa.
Seke wa tshela manyoro. O ka tjhesa methapo. Tlatsa mokoti ka moitedi o loketseng ka ho phethahala.
Lema difapa o di arotse ka 2m x 2m.
Difate tse lenyelletswe ho tse ding di phetse.
Difate tse sa lenyellwang le tse ding ha di kgone ho emelana le dikokwanahloko tsa metso.
Difate tsa diavokhado di hloka mobu o kenellang fates ka botebo tse nang le tsamaisong e di loketseng ya dikgwerekgwere.
Diavokhado di hloka sebaka se batlang se futhumetse, empa ha di sireleditswe di ka hola dibakeng tse batang.
Ka mora dilemo tse 3 difate tse sa sehawa ha di behe.
Ka mora dilemo tse 3 difate tse hlomathisitsweng di beha ditholwana.
O ka reka difathe tse hlomathisitsweng sebakeng sa kgodiso ya dijalo.
Ntsha difate ka hara dipolasitiki.
Di kenye mekoting. Kutlisetsa mobu o ka hodimo e beo kgutlisetsa mobu o ka tlase.
Tshela senontsha mobu ha ho lengwa mme dilemo tse ding le tse ding tse tharo dilemo tse ding le tse ding tse tharo ka mora moo.
Sefate se lokela ho nyanyatswa bakeng sa ho bolaya dikokonyana le dikokwana.
Nosetsa ka mora ho ho lema mme dibeke tse ding le tse ding tse pedi ka mora moo.
Kgaolella karolo ya lekala le ntse le le lekaleng la tholwana.
Dijalo di lokela ho lengwa ka boholo ba karohano ya 3m x 3m.
Ditholwana di lokela tshehetswa.
Dijalo tse nkelang sejalo se seholo mobu o nonneng di a tloswa le tsona di be di lengwa.
Dibanana di hlahiswa ka mokgwa wa dithishu.
Di ka rekwa laboratoring.
Difate tse tharo di ka tlohela di kgobokane nqa e le nngwe.
Nosetsa ha qeta ho lema.
Tlosa karolo e pele ya lelomo ha sehlotshwana sa ditholwana se se se entswe.
Dibanana di itshetlehile ka motjheso sebaka se nang le motjheso.
Dibanana di itshetlehile ka metsi a mangata.
Dithemperetjhara tse pakeng tsa bonyane ba 4C le bophahamo ba 31C di a hlokeha.
Dibanana di monate ha di jewa.
Dimengo di ka lengwa ho tswa peong kapa ho ho homathiswa.
Sefate se hlomathisitsweng se betere.
Ntsha sefate polasitiking mme o se kenye mokooting o busetse mobu wa 50:50 wa kahodimo le motswako wa manyolo.
Nosetsa ho etsetsa hore sejalo se tshware senontsha mobu.
Kgola sejalo ha se se se butshwitse.
Sedikadikwe sa dikokwana tsa ditholwana.
Reka feela sehohedi se kentsweng tjhefu se rejistaruweng mme o bale ditaelo.
Motswako wa litara wa senyanyatsi bakeng sa sefate ka seng se hodileng.
Netefatsa hore motswako o ho fafatswa ka marothodi a maholo.
Laola dikokwana tsa ditholwana ditshimong ka dihohedi.
Litara tse 2 tsa botlolo ya lebese ka sehohedi se kentsweng tjhefu.
Kgola ditholwana tse senyehileng beke le beke.
Di tsetele ditholwana tse senyehileng botebo ba 500mm.
Bolaya tse haufi tse kang lehola.
Letlalo, Boya, Lebese, Nama.
Boya bo rarahaneng ba podi ya Angora o bitswa mohair mme bo entswe ka ho ikgetha bakeng sa dikobo tse futhumetseng le dijeresi.
Ntle le lebese le nama, ts Kgwebo le tse boya bo tlwaelehileng (cashmere) di ka sebedisetswa ho etsa dikobo le diaparo.
Hobane dipodi mokgwa wa tsona di nyane, ho bobebe ho pheha le ho e ja le pele bohlokwa ba hore e kenngwe ka sehatsetsing bo be teng. Le boetse le etsa tjhisi le yogate e lebejana.
Letlalo la podi le ka etswa hore le be letlalo le lokisitsweng ka boleng ba mmaraka.
Dipodi di ka ja lehola le itseng mme di ka thibela ho hola ha hlaha.
Dipodi di ka sebedisetswa ho jariswa merwalo.
Moitedi wa dipodi ke senontsha mobu sa tlhaho. Moitedi o omisitsweng letsatsing o ka sebedisetswa ho beswa.
Qala ka ho iketsetsa disebediswa tse hlokehang pele o ka qala.
Lebese le foreshe la podi, setshehetsi sa pitsa mollo, Themometha, mpshane, setofo.
O sebedisa pitsa e kgolo, futhumetsa metsi ho fihla ho ka hodimo ho 80C, sebedisa themometha ho metha motjheso.
EH. Beha setshehetsi ka hara metsi pele o qala. 80C. Tshela ka hara pitsa e nyanele ho e beha ka e kgolo. Futhumetsa ho fihla ho 68C mme o e tshware moo 68C bakeng sa motsotso. 68C. Hanghang phodisa ka hara metsi a nang le maqhwa kapa sebakeng se batang ka ho fetisisa sehatsetsing.
Tshela lebese la podi ka hara dishelo kapa ka hara tsa kgale tse hlwekisitsweng (bedisitsweng).
Tlatsa metsi ho fihla bohare ba pitsa ka lebese la podi.
KAPA, Tshela kopi le halofo ya lebese la phofo le tshetswe ka hara litara ya metsi.
Futhumetsa lebese ho ya fihla ho 85C mme o le tshware moo bakeng la metso e 20. 85C.
Fodisa lebese metsotso e 42C ka ho beha pitsa ka hara sekotlolo se nang le metsi a maqhwa. 42C.
Tshela mafoforetsane a starter culture ka tispunu e tsokoditsweng ka hara metsi a belang. Se fumaneng atereseng e ka tlase.
Kenya senatefisi sa mofuta o itseng ho etsa tatso e be tswekere.
Tshela ka botlolong le beha YOGATE YA HAO YA HO NOWA ka sehatsetsing.
Ha o hlajwa, leketlisa mmele karolo e ka hodimo e shebe fatshe hore madi a ka bokeletseha.
Tlotsa nama ka metswako ya mefuta ya matswai bosiu kaofela.
Beha dihwapa motjheso o lekanang le wa katlong sebakeng se nang le moya o phodileng ka ho lekaneng.
Sila le ho tshela dinatifisi karolo ya nama.
Foreimi e entswe ka mapolanka mme batla e le bobebenyana hore e ka nkuwa.
Yuniti e a fella ka morao veneng.
Uniti ya dikgoho ka nngwe e ka lekana dithole tse 10, KAPA tse 12 tse bohareng KAPA metjetjelekwane e 15.
Suthisetsa uniti ya dikgoho ho ya sebakeng se setjha hoseng ho hong le ho hong, pele dikgoho di ka qala ka mosebetsi wa tsona. O se kgutlele sebakeng sa mehleng bonnyane matsatsi a 30 a so fete. Mokato wa terata o netefatsa hore dikgoho di fumana dijo tse foreshe le manyoro hoo ka hlakoreng le leng ho nontshang mobu.
Dikgoho tse 10 di hloka bonyane dilitara tse 5 tsa metsi a foreshe tsatsi ka leng.
Sebakase bulehileng ka tlasa kotikoti se local ho ba sekgutshwanyane hanyane papisong le botebo ba yona.
Bonyane mabekere a 6 a tletseng (1,3kg) a dijo a lokela ho ntshuwa tsatsi le leng le le leng.
Thaere e nyane e ka sehwa bakeng sa ho etswa sejana. Ho seng jwalo , ha sebediswa dijana tse leboteng la yuniti tse tshellwang ho tswa kantle ho yona.
Netefatsa hore o reka sehlahiswa se loketseng bakeng sa bothata ba hao.
Latela ditaelo ka tlhoko.
Ikwahele ka sesireletso ha o ntse o tswaka.
Kwala o tiise ka matla ka mora tshebediso.
O boele o kwahele hloho ha o ntse o fafatsa.
Tsokotsa tanka ya hao ya ho fafatsa ka mora ho e sebedisa.
Tshollela pela sebaka seo ho neng ho fafatswa ho yona.
Boloka dikhemikhale di notleletswe, hole le moo bana le diphoofolo di ka di fihlellang.
Hlatswa diaparo tseo o neng o di sebedisa di le notshi di sa kopanngwa le tse ding.
Le wena o itlhatswe.
Jwalo ka ha ho tlwaelehile, hlatswa ditholwana le meroho pele o ka e sebedisa.
KAMORA dipula tsa pele, mohoma o tlwaelehileng o a sebediswa ho lokisa mobu tshimo kaofela. Ona ke mosebetsi o thata mme o nkang nako e telele.
Lehare le mouldboard di a tloswa.
Ripper e ka sebediswa mobung o bobebeho ho o thapisa FEELA pele ho ho lema PELE dipula tsa pele.
Sena se ka thusa mobu ho monya metsi a mangata ha pula etla.
KAMORA dipula tsa pele, ripper-planter e sebediswa ho thapisa mobu le ho lema ka nako e le nngwe. Sena se boloka mosebetsi o mongata le ho sebedisa mobu o sa tswa kolobiswa hang hango sa tswa koloba.
Lehola le ka hlaolwa ka matsoho kapa ka ho sebedisa mohoma o hulwang ke dikgomo.
Ha o sebedisa joko , etsa hore pholo e nngwe e tsamaye pela e nngwe ka thoko ho foro e neng e entswe pele.
Kgomo e nang le tshwaetso e a hlajwa mme e be e lekodisiswe Manyowa, Nama e sa lokang e bonahala ka mahe a manyowa, manyowa a hodileng a na le mahe a arohaneng a nang le mela, mahe ana a jowa ha e le hore nama ha e a phehwa hantle, mahe a hole e be manyowa a maholo ka haralelana mme a butswa mme eka a ka behela mahe, batho ba nang le tshwaetso ba a tlatsa ka ho sebedisa lepatlelo e le matlwana., dikgomo di a tshwetswa ka ho fula makgulong a silafaditsweng ke mahe.
O tseba jwang hore o na le manyowa?
O ka ba le modikwadikwane, wa ba le dikerempe mpeng, kapa wa tshwarwa ke hloho.
O ka ikutlwa o tsekela, o ba le dikerempe mpeng, kapa o tshwarwa ke hloho.
O ka ikutlwa o hlohlonelwa ka tshunyetsong.
Mekotlana e mesweu, e sephara, e kang letlalo e fumaneha ka hara seaparo sa kahare.
Ngaka e ka thusa motho ho fedisa sena.
O ele hloko dilakga tse seng molaong.
Sebedisa dilakga tseo nama ya tsona e hlahlojwang bakeng sa boleng bo botle.
Ho phehisisa nama hantle ho thusa ho thibela manyowa a nama ya kgomo.
Motho a ka fedisa phapanyetsano e sa lokang ya manyowa a nama ya kgomo jwang?
Sebakeng sa ho sebedisa thota e le ntlwana, motho a ka iketsetsa ntlwana e se nang lephoka le lebe jwalo ka ya lemena e hahlwang ke moya.
Sebaka se kupeditseng.
Lephoka le lebe le tswa ka phaephe ya moya.
Ha lemena le tletse, ho ka ntshuwa ditshila kapa le letjha le ka tjhekwa.
Hookworm di hlaha ka hara malana a dintja.
Mahe a ona a fumaneha mantling a ntja.
Ntja e kgolo e ja madinyane a dihookworm tse leng mobung, kapa di kena mmeleng wa ntja ka letlalo.
Dihookworm di kena batho ka letlalo, haholoholo maseya e kgasang.
Ledinyane le nang le tshwaetso ya manyoha e a hola.
Ntja e kgolo e tshwaeditswe ke manyowa.
Madinyane a dintja a tshwaetswa ke lebese leo a le anyang ho mma ona ya tshwaeditsweng.
Dihookworm di a hlaha ka hara malana.
Mahe a manyoha a fumaneha mantleng a ntja.
O tla tseba jwang hore bana ba hao ba na le TSHWAETSO ENA E TSHOSANG?
E a hlohlona.
Ho na le matshwao a pinki a hlahang ka tlasa letlalo la diatla.
Matshwao ana a hlaha le ka tlasa maoto.
Hore o tlose mantle a ntja kgafetsa. Sebedisa kgarafu kapa mekotla e mmedi ya polasitiki jwalo ka dihanesekunu.
Lahlela mantle ka ntlwaneng.
Kapa a tsetele sebakeng se tjhesang mme se omme.
Rwala dieta ha o phethola jareteng.
Isa madinyane a hao ho ngaka ya diphoofolo ho ya ntshuwa manyowa kgwedi ka mora ho tswalwa le dikgwedi tse 3 ka mora moo. Isa dintja tse seng di le kgolo habedi ka selemo ho ya ntshuwa manyowa.
Diphoofolo di tshwaetswa ka ho fula makgulong a nang le tshwaetso.
Ka ho se tsebe, diphoofolo tse tshwaeditsweng di a hlajwa bakeng sa nama.
Dintja di tshwaetseha ka ho ja dikahare tse tala.
Mahe a manyowa a fetiswa ka mantle a ntja.
Manyowa a Hydatid a maholo a manyane ka mmele mme a holela ka hara mala a ntja.
Ntja e inyeka ka morao ditshunyesong mme e atisa mahe a manyoha ha e ntse e etsa jwalo.
Batho ba kopana le mahe ao ka ho tshwaratshwara dintja tse nang le tshwaetso.
Mahe a kena molomong ka ho ja matsoho a sa hlatsuwa.
Mahe a ya hola mme a ka kena pelong, matshwafong, sebeteng kapa bokong mme a ka bolaya.
Fepa ntja dikahare tse tala.
Arolelana dijana le ntja ya hao.
Dumella dintja ho ithomela ditshimong tsa meroho.
Fefa mantle a ntja kgafetsa mme o dule o na le terata e potapotileng tshimo ya hao ya meroho.
Thibela dintja ho ja diphoofolo tse shweleng.
Hlatswa matsoho ka mora ho tshwaratshwara ntja.
Isa ntja ya hao ho ya hlahlojwa ke ngaka ya diphoofolo bonnyane habedi ka selemo.
Hlwekisa maqeba ka metsi a tjhesang le sesepa.
E ya ngakeng e haufi.
Mapolesa, a lokelang ho tsebisa?
Ngaka ya setereke.
Ba bolelle hore o bone phoofolo eo kgetlo la ho qetela kae.
Mmuso o tla nka phoofolo eo.
diteko di tla etswa ho hlahloba bohlanyantja.
Diphoofolo tsa rona tsa hae di fumana bohlanyantja ho dintja tse ding kapa dikatse kapa diphoofolo tsa naheng, ke bohloko bo bolayang.
Kentelo e etswang kgafetsa e thibela bohlanyantja!
Esele ke motswalle wa kgale le ya ratwang wa batho ba bangata dibakeng tsa mahae le ditoropong. Ho na le mokgwa o netefaditsweng wa ho di pana.
Di-bridle le di-blinkers di tla thusa esele ho ema tsi.
Kenya lebanta la sefubeng.
Ha e a lokela ho kgama esele.
Lebanta la ho kopanya le tla thusa ho kgina koloyana e hulwang.
Kopanya thapo kapa lebanta la letlalo.
Koloyana e hulwang ke diesele e bobebe mme e na le komerenko bohareng ba tekano.
Dithupa tse leketlang.
Molangwana wa ho hula.
Kopanya molangwana wa ho hula le mabanta a sefubeng.
Leketlisa tupa ya molaleng.
Tlamella molangwana wa ho hula thupeng ya molaleng.
Ena ke tsela e bobebe ka ho fetisisa ya ho tlamella ditomo.
Boima bo lokela ho lekana mokerenkong hore ho tle ho hulehe betetshana.
Ha tsohle di tsamaya ka thello, molangwana wa ho hula o tla thulana le thupa ya molaleng. Sebitso la kgale la sena ke klopdisselboom?
Sebedisa mofuta wa dibotlolo tsa polasitiki tsa dilitara tse pedi.
Phunya masoba bokatlaseng ba botlolo.
E tlatse ka metsi.
E tsetele mobung ho nosetsa ka tlasa ona. Ho nyehlisa sekwaelo ho tla etsa hore ho be le metsi a mangata a tswang.
Phunya masoba mahlakoreng a botlolo le ho kenya phaepheng ho etsa sefafatsi.
Tlatsa ka metsi.
Mobu o nang le moitedi.
Metsi a monngwa ka tshebediso ya lesela.
Taka ho kgabisa.
Molangwana wa lefielo wa kgale.
Seha ho etsa mapheo?
Moya o potoloha botlolo mme ho potoloha hoo ho tshosa dinonyana.
Metsi a tswekere a hohela dikokonyane.
Ditholwana, bohobe le peo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Telkom (2001).txt</fn>
Re eng ha re eme re itshehlile thajana?
Re fetohang ha re ipopa ngatana le ba bang?
Nahana feela hore re ka fihlella eng ha re ka kwala dikgeo tse kgolo tse dipakeng tsa rona.
Khampani ya Afrika Borwa ya dikgokahano e itlhommeng pele.
Iphumanele dintlha mahala bukaneng ya?
Matla a rona ke ho arolelana.
Re eng ha re itshehlile thajana?
Re fetohang ha re le ngatana?
Khampani ya Afrika Borwa e pele ya dikgokahano.
Ma-Afrika Borwa ohle ho ithuela diabo tsa Telkom.
Iphumanele dintlha mahala bukaneng ya?
Matla a rona ke ho arolelana.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tlhokomelo ya kolobe.txt</fn>
Nako e bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba kolobe ke ho tloha tswalong ho ya ho kgwesweng. Palohare ya dikolobe tse pedi di a shwa lapeng ka leng la tsona mme di shwa nakong ena. Botsamaisi bo sa lokang ke lona lebaka le ka sehlohong le etsang sena, le ha e le hore se bakang sena e ba ho ripitlwa, ho tswa madi mokgugung, animia, tlala kapa dikokwanahloko.
Ka kakaretso kemaro ya dikolobe ke matsatsi a 114 (dikgwedi tse 3, beke tse 3 le matsatsi a 3). Kolobe e lokela ho hlatsuwa le ho tshelwa ka dibolayadikokwanahloko pele e ka tloswa hokong ya tswadiso (matsatsi a 4 ho isa ho a 5 pele ho ho tswala).
Kolobe e seng e le makgatheng a ho tswala e ka tloswa hokong hang ka beke, hore e tle e tsebe ho tlwaela hoko ya ho tswalla hore ho tle ho fokotsehe kgatello ya maikutlo a yona.
Letswele le lokela ho hlahlojwa ka hloko ho bona hore ha ho na dibaka tse tiileng le maqhutsu.
Maqhutsu a ka alafuwa ka meriana ya diantibayotiki.
Ho tlala moya ka mpeng ha ngata ho a etsahala empa ho ka thibelwa ka ho fepa dikolobe tse tshehadi dijo tse tala tse tshwanang le furu kapa tse nang le ditlheferetsi tse ngata (brono kapa pollard).
Hoko ya tswadiso e lokela ho ahwa sebakeng se holenyana le dihoko tse ding.
Bohlweki bo lokelwa ke ho bolokwa ka nako tsohle.
Ho bohlokwa ho hlatswa hoko ya ho tswadisa e le maemong a matle ka mora hore kolobe e tshehadi le madinyane a yona di tlositswe.
Ditshila tsohle di lokelwa ho tloswa ka ho sebedisa tjhupu ya metsi a tswang ka matla, borashe ba ho koropa kapa lefielo le thata.
Hoko e lokela ho hlwekiswa ka ho sebedisa sebolayadikokwanahloko se kang motswako wa 4% formalin. E lokelwa ho dula e se na letho nako ya matsatsi a 2 ho isa ho 3.
Seretse sebakeng sa ho robala le bometsi di lokela ho tloswa tsatsi ka leng mme ho etswe sebaka se ommeng.
Tlhokeho ya dikokwanahloko le ho ripitlwa.
Kolobe e tshehadi e lokela ho ba le lebese le lekaneng?
Agalactia le ho ruruha ha letswele di hloka kalafo ka pele mme setsebi se lokela ho bitswa hanghang.
Bolelele ba mokgubu bo ka ba disentimitara tse 12 mme karolo ya disentimitara tse 2 e lokela ho siuwa.
Mokgubu o lokela ho hlatsuwa ka sebolayadikokwanahloko ka motswako wa ayodini ho thibela tshwaetso ke dibakithiria.
Ho thibela kotsi nakong eo madinyane a lwanang mme ho thibela ho loma le ho ngwapa ditlhoko tsa kolobe e tshehadi.
Sakga meno ka hloko ho balehela ho senya marenene.
Ho boetse ho le bohlokwa ho sakga meno ka sesebediswa sa ho a sakga se loketseng.
Madinyane a dikolobe a tswalwa a na le mehlodi e menyane ya aene mme lebese la kolobe e tshehadi ha le fane ka aene e hlokehang madinyaneng a hodisetswang mekatong ya konkreiti.
Tlhokeho ya aene e baka animia, ho bakang ho se rate dijo le kgolo e seng ntle.
Tlatsetso ya aene e lokela ho fanwa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ka mora tswalo (matsatsi a 3 ho isa ho a 7) ka ho fana ka ente molaleng.
Madinyane a dikolobe a lokela ho tshwauwa ditsebeng bakeng la ho ka a tseba.
Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya masale a ka kenngwang ditsebeng.
Mokgwa wa nomoro ya Mokgatlo wa SA Pedigree Association o lokelwa ho sebedisetswa leloko la diphoofolo.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tokiso ya Toka.txt</fn>
Tokiso ya Toka?
Mesebetsing ya Toka e thibelang bonokwane, tabakgolo moo ho sebetsana le diketso tsa bonokwane ka mokgwa o tla fana ka kotlo. Hang ho ba ba fumanwe ba le molato ke lekgotla la dinyewe, batlodi ba molao ba tla fuwa kotlo ya ho sokollwa, kapa ba kwallwe tjhankaneng nako e itseng, kapa lefiswe molato, kapa ba fuwe kotlo tsena ka boraro.
Leha ho le jwalo, Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane, le entse qeto ya ho theha mokgwa wa Tokiso ya Toka jwalo ka yona taba ya bohlokwa. Mokgwa ona o itshetlehile hodima se utlwisiswang ka hore bonokwane ke ketso e kgahlanong le batho ba senyeditsweng le setjhaba, mme sepheo sa ona ke ho lokisa bofokodi bo leng teng tshebetsong tsa molao tse shebaneng le bonokwane. Morero wa tsela ena ha se ho nka sebaka sa kotlo nakong e kgutshwane, empa ho matlafatsa tshebetso tsa toka.
Na Tokiso ya Toka ke eng?
Ditshebeletsong tsa Ditjhankane, Tokiso ya Toka eo ka hlaloswa jwalo ka mokgwa wa ho fana ka kotlo bakeng sa bonokwane. E toboketsa hodima bohlwokwa ba seabo sa batho ba senyeditsweng, ba malapa le setjhaba ka ho ba kenyelletsa haholo mesebetsing ya toka e thibelang bonokwane. Hape sepheo sa ona ke ho etsa hore batlodi ba molao ba be le boikarabelo bathong ba ba sitelwang ekasitana le ho kgutlisa ditahlehelo le ho lokisa tshenyo a baketsweng diphofu. O fana hape le ka monyetla wa ho fumana dikeletso, dipuisano, ho be le ditherisano le tharollo ya mathata e leng dintho tse tla kgutlisetsa dintho setlwaeding, hape batho ba ikutlwe ba bolokehile athe hape o matlafatsa le tshebetso tsa ho kgutlisetsa motlodi wa molao setjhabeng.
Tokiso ya Toka e shebile haholo bohlokwa ba keketseho ya seabo sa diphofu le setjhaba, mme hona ba ho etsa ka ho ba le seabo se mafolofolo mesebetsing ya toka ya ho thibela bonokwane, ho etsa hore batlodi ba molao ba be le boikarabelo ka ho toba bathong bao ba ba sitetsweng, le hore ho fanwe ka menyetla e mengata e fapaneng ya dipuisano, ditherisano le tharollo ya mathata, e be hoo ho etsa hore batho ba ikutlwe ba bolokehile, ba phela mmoho hape ho na le kgotso hara bohle ba amehang.?
Tokiso ya Toka ke mokgwa wa ho sebetsa ka toka e le hore ho tle ho be le ditokiso tse kenyelletsang dintlha tsa bohlokwa tsa: ho bitswa ho tla arabela diketso tsa hao; ho lokiswe moo ho sentsweng teng; ho rarollwe ho entsweng ka tsela e fosahetseng; ho sebetsanwe le maikutlo ekasitana le ditaba tse amanang le ona; ho sebetsanwe le tshenyo e bakwang ke bonokwane, empa hape le tshenyo e bakwang ke mesebetsi ya toka e thibelang bonokwane.?
Hantlentle Tokiso ya Toka ho fapane le kotlo. Ke mosebetsi wa toka o kenyang matla bokamosong, e seng nthong e seng e fetile. O shebana le se hlokang ho lokiswa, se hlokang ho busetswa le seo re hlokang ho ithuta sona ka bonokwane bo ntseng bo etsahala. O hlwaya se hlokwang ho matlafatswa haebe re batla hore dintho tse jwalo di se ke tsa pheta di etsahala hape.
ho kopanya ho arotsweng; le ho matlafatsa setjhaba bakeng sa ho thibela tshenyo e nngwe hape.
E sheba diketso tsa bonokwane ka botlalo?
E kenyelletsa batho ba bangata?
E lekanya katleho ka tsela e fapaneng?
diphofu ka mokgwa wa bonamodi, diphofu di ka fumana ditlhapiso, tsa busetswa hoo di lahlehetsweng ke hona, mme tsa ba tsa lokisetswa le hoo di senyehetsweng ke hona?
Ba tlotseng molao motho ya tlotseng molao o a sokollwa e be o kgutlisetswa hape setjhabeng?
Ditshebeletso tsa Ditjhankane kgonahalo ya phokotseho ya batshwaruwa le bonokwane, ho ba le kgonahalo ya keketseho ya ho ba le seabo ha batho ba tlotseng molao mananeong a tsosoloso hape le seabo sa bona se a eketseha hara setjhaba?
Kutlwelo bohloko e eketsehileng ya setjhaba mothong ya tlotseng molao.
Na ke mananeo afe ao ho nahanwang hore a ka ba karolo ya mesebetsi ya Tokiso ya Toka?
E re ka ha Tokiso ya Toka e itshetlehile hodima kutlwisiso ya hore bonokwane bo baka tshenyo diphofung, setjhabeng le ho batlodi ba molao, ka hoo ho hlakile hore bohle ba amehang ba lokela ho kenyelletswa mosebetsing oo wa tharollo ya bonokwane.
Ho na le matshwao a bontshang hore mesebetsi ya Tokiso ya Toka e se e hatela pele le ho feta lefatsheng lohle. Mekga e sebetsang ka hara mebuso e ntse e ela hloko mesebetsi ya Tokiso ya Toka. Ka selemo sa 1999, Komiti ya Matona a Lekgotla la Yuropa e ile ya amohela kgothaletso ya tshebediso ya bonamodi ditabeng tsa ho fana ka kotlo.
Bukana ya Matjhaba ya Dinaha tse Kopaneng e mabapi le Toka ya Diphofu e bolela hore mosebetsi wa Tokiso ya Toka o kenyelletsa motlodi wa molao, motho ya senyeditsweng le setjhaba kaofela ha sona maitekong a ho hlahisa tsela e lekanang ya ho shebana le motlodi wa molao, mme, ho ntse ho le jwalo, e shebile hape le phofu. Ditlhapiso tse fuwang phofu e se e le yona ntho ya bohlokwa haholo mosebetsing wa Tokiso ya Toka dinaheng tse ngata tse seng di tswetse pele.?
Mehato ya semolao e fokoditse ditshita tsa molao le tsa mokgwa o sebediswang mananeong a Tokiso ya Toka, e hlomme dikgothaletso tsa molao bakeng sa ho sebedisa mananeo a Tokiso ya Toka, e tataisitse ya ba ya hlophisa mananeo a Tokiso ya Toka, mme e sireletsa le ditokelo tsa batho ba tlolang molao ekasitana le tsa diphofu.
Palo ya mananeo a Tokiso ya Toka lefatsheng lohle e ntse e eketseha. Ho na le mananeo a ka hodimo ho 500 a tataiso mane Yuropa le a fetang 300 mane USA. Tekolo ya mananeo a Tokiso ya Toka le diprojeke mane Canada e bile le sephetho sa ho ngodiswa ha a fetang 100 kaofela.
Mokgwa wa Tokiso ya Toka ha se o motjha mona Afrika Borwa, mme ho na le dibakeng tse ding moo metheo ya ona e seng e sebedisitswe ka tsela e itseng.
Komiti e tsebahalang haholo ya Nnete le Poelano e neng e shebane haholo le bobe bohle bo neng bo etswa bathong ba Afrika Borwa, e bile mohlala o motle wa mosebetsi wa Tokiso ya Toka. E ananetse ntlha ya hore diphofu di hloka tharollo e itseng mabapi le boemo ba tsona ba ho ba diphofu jwalo ka ha ba ile ba hlahisa bopaki ka se etsahetseng ho bona mme ya mamela le se ileng sa bolelwa ke batho ba entseng ketso tseo tse mpe kgahlanong le diphofu.
Lefapha la Ntshetsopele ya Kgahisano ke lona le etelletseng pele Lenaneo la Matlafatso ya Diphofu leo hape sepheo sa lona e leng ho etsa hore diphofu e be bona batho ba leng ka hodimo mosebetsing wa ho rarollana le bonokwane. Leano la Setjhaba la Thibelo ya Bonokwane le hlalosa lenaneo lena ka hore ke karabelo ya sephetho sa bonokwane diphofung. Ha le ntse le ba le seabo phokotsong ya bonokwane, sepheo se seng hape sa bohlokwa sa lona ke ho ela hloko matshwenyeho a diphofu. Ka kakaretso ke ntho e amohelehileng ya hore matlafatso ya diphofu e fokotsa ho tshwarwa hape ka tsela e sa lokang, ho kgothaletsa tshebedisano le mokgwa wa tharollo ya bonokwane, ho matlafatsa boitshwaro bo labalabelwang bophelong, ho ba thibelo ho bao ba batlang ho tlola molao kapa ba ka tlolang molao, mme ho matlafatsa le tshehetso ya setjhaba mosebetsing wa tharollo ya bonokwane.?
Mohopolo wa tshebeletso e tlamang ya setjhaba, e tla etswa ke bao ba sitetsweng setjhaba ka bonokwane ba bona, o ntse o ba mohopolo o ratwang mona Afrika Borwa. Tshebeletso ya Setjhaba ke mosebetsi o nang le tlhahiso, o etswang ke batho ba tlotseng molao molemong wa merabe e amehileng. Yona ho ka laelwa hore e etswe ke batlodi ba molao nakong eo ba ahloletsweng ho dula nako e itseng ya tshokollo ya bona ke makgotla a dinyewe.
Ka ho latela diphetoho tse entsweng Molaong wa Ditshebeletso tsa Ditjhankane ka 1995, ho ile ha hlongwa komiti ya tshebedisano ya diofisi tsa mafapha ka morero wa hore e shebane le ho fetolwa ha mokgwa wa tlhokomelo ya bana le batjha mona Afrika Borwa.
Ha e ne e rala leano la ditataiso tsa ho fetolwa ha mokgwa wa tlhokomelo ya bana le batjha, komiti e ile ya sisinya hore: tsela ya ho sebetsana le batjha ba leng bothateng ba molao e lokela ho kenyelletsa: tharollo ya kgohlano, ho kenyelletswa ha ba lelapa le setjhaba ha ho etswa diqeto, ho fetolwa le bonamodi bo tla thehwa setjhabeng.?
Ho sebetsana le bonokwane ke taba e rarahaneng haholo bophelong, mme ho ke ke ha etswa hantle ka mokgwa wa phetetso feela. Bakeng sa ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane, ho tshwanetse hore ho be le mosebetsi o tla fana ka menyetla ya tataiso, ditherisano, dipuisano le tharollo ya mathata, le diphofu le setjhaba bao e leng bona batho ba amehang mosebetsing ona. Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane le ikemiseditse ho tsamaisa mosebetsi ona, empa le behile tshepo ya lona hodima kutlwisiso le tshehetso ya batho ba naha.
Ha re sebetseng mmoho ho lokisa tshenyo e bakilweng ke bonokwane.
Ha re sebetseng mmoho ho bopa setjhaba se bolokehileng.
Ha re sebetseng mmoho ho haha naha e ntlafetseng.
Tshehetsang mosebetsi wa Tokiso ya Toka, mme le phatlalatse molaetsa.
E ngotswe ya ba ya phatlalatswa ke ba Lekala la Ditshebeletso tsa Dikgokahano la Lefapha la Ditshebeletso tsa Ditjhankane jwalo ka tshebeletso setjhabeng?
Tokiso ya Toka?
<fn>sot_Article_National Language Services_Tseba ditokelo tsa ha.txt</fn>
Letlole la ho hloka mosebetsi (UIF) ke eng?
Letlole la ho hloka mosebetsi le thehilwe ho fana ka thuso ya nakwana ho basebetsi, ka tlasa dipehelo tse itseng, ha ba le boemong ba ho hloka mosebetsi, kapa ba sa kgone ho sebetsa ka baka la ho kula, boimana kapa llifi ya ho inkela ngwana ka molao, le hona ho fana ka thuso ho baotlwa ba monyehedi ya hlokahetseng.
Tjhelete ya ho tsamaisa Letlole le ho lefa dibenefiti e fumanwa jwang?
Letlole le fumantshwa tjhelete ka dinyehelo tsa kgwedi le kgwedi tsa boramosebetsi le basebetsi. Mmuso ke mohlokomedi wa Letlole lena mme ho lebelletswe hore o fane ka thuso ya ditjhelete ho thiba dikgeo tsa dikgaello nakong tsa ho hloka mosebetsi ho hongata.
Na basebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng la ho hloka mosebesti?
Ho tloha ka 1 Mmesa 2002 basebetsi bohle ba sebetsang dihora tse 24 kapa ho feta ka kgwedi ba lokela ho nyehela Letloleng lena.
Ho tloha ka 1 Mmesa 2003 Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi o re basebetsi ba malapeng le boramosebetsi ba bona ba nyehele Letloleng lena.
Basebetsi ba leshwang ka khomishene feela.
Na o lokela ho nyehela Letloleng la ho hloka mosebetsi ha o fumana moputso o hodimo?
E, basebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng, ntle le bao ho buuwang ka bona tlasa 3.3 ka hodimo. Selemo le selemo Letlole le beha methati e hodimo ya kuno ya banyehedi. Basebetsi bohle ba unang ho feta mothati o ka hodimodimo ba tla nyehela feela ho fihla mothating wa ho qetela mme ha ba hloka mosebetsi ba tla fumana dibenefiti ka sekgahla sa kuno ya bona. Sena se bolela hore mosebetsi ka mong ho tloha mothating o tlasetlase ho isa ho molaodi wa khampani ba lokela ho nyehela Letloleng.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng?
Boramosebetsi bohle ba hirang motho ofe kapa ofe mme ba mo lefa ka tjhelete kapa ka dithuso ba lokela ho ingodisa Letloleng hang feela ha ba qala ho sebetsa e le boramosebetsi. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho ngodisa kgwebo le ho etsa dikgulo tse hlokahalang moputsong wa basebetsi ba hae. Ha ramosebetsi a hloleha ho etsa sena ho na le dikotlo tse boima tseo a tla di fumana ho ya ka Molao wa Dinyehelo tsa Inshorense ya ho hloka mosebetsi wa 2002. Ebang ramosebetsi ofe kapa ofe a hana ho ingodisa Letloleng mme a sa batle ho etsa dikgulelo, basebetsi ba eletswa ho ikopanya le ba kantoro e haufinyana ya Lefapha la Mesebetsi.
Boramosebetsi ba kgothalletswa ka thata ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao ona, ka ha Letlole le fana ka thuso ho bao e neng e le basebetsi ba bona ba haellwang kapa ba se nang se ba phedisang ka baka la ho fellwa ke mosebetsi.
Ke eng e nkwang e le moputso?
Ditjhelete tsohle tse amohelwa di etswa ho ramosebetsi, e le tjhelete kapa e le ka sebopeho se seng. Sena se kenyelletsa ouvathaeme le dibonase, mme dinyehelo di lokela ho thehwa hodima tsona. Ho feta moo, ditefo tsohle tse ikgethang tse fumanwang di nkuwa e le moputso. Mehlala ya ditefo tse ikgethang ke ditefo tse ikgethang tsa maeto, ditefo tse ikgethang tsa boithabiso hammoho le ditefo tse ikgethang tsa dijo le bodulo. Lesedi le fetang mona mabapi le moputso le ka fumanwa tataisong ya EMP10 ya boramosebetsi e fumanwang Tshebeletsong ya Afrika Borwa ya Lekgetho (SARS).
Ho lokela ho nyehelwa bokae Letloleng?
Mosebetsi o lokela ho nyehela 1% ya moputso wa hae wa kgwedi le kgwedi. Hodima 1% eo e leshwang ke mosebetsi, ramosebetsi le yena o nyehela 1% bakeng sa mosebetsi e mong le e mong eo a mo hirileng. Ka hoo nyehelo yohle e leshwang ke 2%. Mohlala, ha mosebetsi a amohela R 1 000 ka kgwedi, ramosebetsi o lokela ho hula 1% ya R 1 000 e leng R 10. Hodima yona ramosebetsi o lokela ho lefa R 10 bakeng sa mosebetsi eo eo a mo hirileng. Ka hoo tjhelete yohle e lokelang ho romelwa UIF kapa SARS, ho ya feela moo ho hlokahalang, ke R 20.
Dinyehelo di lokela ho hulwa kgweding e hodimo feela, mme ramosebetsi ha a a dumellwa ho hula tjhelete e fetang nyehelo ya kgwedi e le nngwe. Ebang ramosebetsi a sa ka a hula dinyehelo tsa dikgwedi tse fetileng, di-2% tsa dinyehelo tse salletseng morao di lokela ho leshwa ke ramosebetsi mme mosebetsi ha a lokela ho ntsha letho.
Ramosebetsi o lefa dinyehelo tsena Letloleng pele ho letsatsi la bosupa la kgwedi e nngwe le e nngwe. Moo letsatsi la bosupa e seng letsatsi la mosebetsi ditefello di lokela ho etswa letsatsing la ho qetela la mosebetsi pele ho letsatsi la bosupa kapa pele ho moo. Ka letsatsi la mosebetsi ho bolelwa letsatsi le leng le le leng ntle ho Moqebelo, Sontaha kapa Letsatsi la phomolo la setjhaba. Bakeng sa ho lefa dinyehelo, boramosebetsi ba ingodiseditseng lekgetho le/kapa Lekgetho la Ntshetsopele ya Botsebi (SDL), ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona Ditshebeletsong tsa lekgetho tsa Afrika Borwa (SARS). Boramosebetsi ba bang ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona Letloleng ka ho otloloha?
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho romela dinyehelo tsena Letloleng. E ka ba ka debit order (moo ramosebetsi a ka hlophisang le banka ya hae), direct bank deposit, (bona dintlha tse mabapi le banka ya Letlole qetellong ya pampitshana ena), Internet Banking ka elektroniki. Le teng bona diaterese qetellong ya pampitshana ena.
Boramosebetsi ba ka lefa dinyehelo tsa selemo sohle, empa tefo eo e lokela ho etswa qalong.
Dinyehelo tsohle tse hlokahalang di lokela ho etswa ka hara meedi ya selemo sa ditjhelete kapa nako ya tlameho le nakong ya matsatsi a supileng ka mora ho qala ha selemo seo sa ditjhelete kapa nako eo ya tlameho. Ka selemo sa ditjhelete kapa nako ya tlameho ho bolelwa nako e qalang letsatsing la pele la Tlhakubele selemong sefe kapa sefe, kapa ho tloha letsatsing la pele la tlameho ebang letsatsi leo le wela letsatsing la pele la Tlhakubele selemong seo sa ditjhelete, mme e fella letsatsing la ho qetela la Tlhakola selemong se latelang. Ramosebetsi ha a lokela ho hula karolo yohle ya nyehelo ya mosebetsi e lokelang pele. Dikgulelo di lokela hore di nne di tsamaelane le dipaka tsa tefo ya moputso. Ebang ka mora moo ramosebetsi a ka elellwa hore ho na le tefo e entsweng e ne e sa tshwanela, kapa e feta tjhelete e neng e lokela ho leshwa, ramosebetsi o lokela ho buseletsa mosebetsi tjhelete eo, kapa moo ramosebetsi a hutseng le ho lefa tjhelete e fetang, ho sa natswe tjhelete e sa buseletswang ramosebetsi ke Letlole la ho hloka mosebetsi. Ditefo tseo tse buswang di lokela ho batlwa Letloleng la ho hloka mosebetsi selemo le selemo le ka mora ho fela ha selemo se amehang sa ditjhelete bakeng sa ditefo tsa selemo sohle feela?
Moo ho bang le ho eketseha ha meputso, sena se lokela ho lokiswa hang ha keketso ya meputso e etsahala mme phapang e leng teng pakeng tsa tjhelete e lokelang ho leshwa le e seng e lefilwe e lokela ho lokiswa.
ha boingodiso bo hlakotswe ha boingodiso bo fetoletswe ditefellong tsa hang ka selemo ha boingodiso bo fetoletswe ditefong tse etswang SARS.
Ha boramosebetsi ba amohela foromo ya tlaleho ya lekgetho ya SARS (EMP201) ho bolela hore ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona tsa UIF ho SARS ho tloha ka Mmesa 2002. Empa ha ba amohela diforomo tsa UI-7; sena se bolela hore diakhaonte tsa bona tse Letloleng ha di a fetolwa ho bontsha hore ba lefa dinyehelo tsa UIF SARS. Moo ho leng jwalo ho hlokomediswe Letlole ka nomoro ya tshupo e didijiti di 10 ya Pay As You Earn (PAYE) ya kgwebo eo, e le hore ho kgone ho etswa diphetoho tse hlokahalang ho thibela ho romelwa ha UI-7 ka nako e tlang.
Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore dinyehelo tsa UIF di a bontshwa ho EMP201 le hore ditefo di fetisetswa ho SARS. Letlole le ke ke la behwa molato kapa la buisana le SARS kapa boramosebetsi ha ho ba le dikotlo le/kapa tswala e kenngwang ha ditefello di romelwa Letloleng ho ena le ho SARS.
Ho qoba dikotlo le tswala e sa hlokahaleng, boramosebetsi ba lokela ho hlokomela hore ditefello di finyella Letloleng ka nako e behilweng, ho sa natswe hore foromo ya tlaleho ya UI-7 e amohetswe kapa tjhe. Boramosebetsi ba lokela ho ikopanya le Letlole ka nako le nako ha ba sa amohele diforomo tsa UI-7 kapa ha ba amohela diforomo ka phoso.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho tlatsa le ho romela foromo ya UI-7, le ha ba lefa ka elektroniki kapa hang ka selemo.
Boramosebetsi bohle bao HO SA hlokahaleng hore ba lefe dinyehelo tsa bona SARS ba lokela ho tlatsa le ho romela foromo ya UI-7 ho sa natswe mokgwa le makgetlo, le sebaka tsa ho lefa.
Bolelele ba nako boo tefo e bo etsetswang le tjhelete e leshwang.
Ke mosebetsi wa boramosebetsi ho sebetsa tjhelete e lokelang ho leshwa Letlole. Diforomo tse bontshang dinyehelo tse lokelang ho leshwa di tla fuwa boramosebetsi.
Letlole le tseba jwang hore dinyehelo di tswa ho mang?
Letlole le na le dathabeise ya boramosebetsi/basebetsi moo dintlha tsohle tsa khiro tsa basebetsi di bolokwang. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho romela dintlha tsa basebetsi ba hae kaofela Letloleng ho lokisa dathabeise kgwedi le kgwedi kapa ha ho na le phetoho dintlheng tsa mosebetsi. Dintlha tsa mosebetsi di bolokwa dathabeiseng, mme ha motho eo a hloka mosebetsi, Letlole le ka sebetsana le kopo ya hae ntle le tiehiso. Ka hoo, ke hwa bohlokwa ho nnetefatsa hore boramosebetsi ba romela dintlha tsa basebetsi ba bona Letloleng, e le ho lokisa dathabeise.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho romela boipolelo ba kgwedi le kgwedi?
E, boramosebetsi ba a lokela, ho kenyelletswa le bao ho hlokahalang hore ba lefe dinyehelo tsa bona ka SARS. Boramosebetsi bohle ba lokela ho bolela diphetoho dife kapa dife dintlheng tsa basebetsi ba bona hang feela ha phetoho e etsahala. Ha diphetoho di etsahala kgwedi le kgwedi, boipolelo ba diphetoho bo lokela ho romelwa kgwedi le kgwedi.
Na boramosebetsi ba lefang ka selemo ba lokela ho romela boipolelo?
E, hang ka selemo kapa ha ho etsahala diphetoho dintlheng tsa mosebetsi.
Letlole le tla tseba jwang hore le lokela ho lefa bokae ha o hloka mosebetsi?
Sekgahla seo dibenefiti di leshwang ka sona se ya ka sekala se laolwang ke boemo pakeng tsa 38-58%.
Basebetsi ha ba ntse ba sebetsa le ho nyehela Letloleng ba fuwa dintlha.
Dintlha di fumanwa ka tsela ena: Bakeng sa matsatsi a mang le a mang a tsheletseng ao o a sebetsang o le monyehedi, o fumana ntlha ya letsatsi le le leng, mme o ke ke wa feta matsatsi a 238. Hore o kgone ho fumana matsatsi a felletseng a 238 o tlamehile hore o be o sebeditse o le monyehedi bonyane dilemo tse nne.
Mosebetsi o nkwa a nyehetse Letloleng ho tloha letsatsing la pele la ho sebetsa ha hae ho fihlela a tswa mosebetsing. Nako ya nothisi e sebeditsweng pele ho ho tswa mosebetsing le yona e nkwa e le nako ya mosebetsi. Le ha ho le jwalo, ho hlokomelwe hore basebetsi ba malapeng ba nkwa e le banyehedi ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi o Hlomathisitsweng wa 2003 le ona o shebane le maemo a boramosebetsi ba fetang bonngwe ba mosebetsi wa lapeng, mme o tlisa kgopolo ya khiro e ka mmoho ho basebetsi ba nang le boramosebetsi ba fetang bonngwe.
Molao o fana ka dibenefiti tse lokelang ho leshwa ha kuno ya mosebetsi e le ka tlase ho moedi o fanweng wa seo a neng a se amohela pele ha a ne a hirilwe ke malapa ohle.
Ke feela mosebetsi o fedileng dikgweding tse tsheletseng tse fetileng o tla shejwa ho tloha letsatsi le etellang letsatsi la kopo pele ho nnetefatsa hore mosebetsi o hloka mosebetsi ka ho phethahala kapa jwang. Hape bakeng sa basebetsi ba lapeng letsatsi la lefu la ramosebetsi le tla nkuwa e le letsatsi la ho hloka mosebetsi. Tjhelete ya dibenefiti e lokelang ho leshwa e tla etswa ho ya ka boipolelo ba ho qetela ba ramosebetsi, mme ha ho se boipolelo mohlanka wa dipatlo o tla sebetsa dibenefiti tsa mosebetsi ho ya ka bopaki ba ditokomane bo rometsweng ho mohlanka wa dipatlo.
Ho etsahalang ha moputso o dula o fetoha?
Ha moputso o dula o fetoha/fapana ka kgwedi kapa ka beke palohare ya moputso wa dikgwedi tsa ho qetela tse tsheletseng e lokela ho sebediswa ho sebetsa tefo ya dibenefiti tsa mosebetsi.
Ke mefuta efe ya dibenefiti tsa mosebetsi eo Letlole le fanang ka yona?
Kopo ya dibenefiti e lokela ho etswa pele ho feta dikgwedi tse tsheletseng mosebetsi o fedile.
Dibenefiti di leshwa ho tloha mohla letsatsi la kopo.
Dibenefiti di leshwa feela ha ho hloka mosebetsi ho nka nako e fetang matsatsi a 14.
Dibenefiti di leshwa feela ha ramosebetsi a kgaola tshebetso ya mosebetsi. Ha mosebetsi a kgaola tshebetso ya hae kapa a nyamela feela, ha ho dibenefiti tse tla leshwa, ntle le ha ho kgaolwa ho ka bonwa e le ho lelekwa.
Dibenefiti di leshwa ha ramosebetsi wa mosebetsi wa lapeng a eshwa.
Monyehedi o lokela ho ngodiswa setsing se haufi le yena sa mosebetsi e le motho ya batlang mosebetsi ho ya ka Molao wa Ntshetsopele ya Botsebi wa 1998, hore a be lenaneng la ba ka fumantshwang dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi. Monyehedi o lokela ho kgona le ho fumaneha bakeng sa mosebetsi.
Monyehedi o lokela ho itlhahisa ka dinako tse behilweng le dibakeng tse behilweng ke mohlanka wa dipatlo ka sepheo sa ho saena rejistara ya ho hloka mosebetsi.
Monyehedi o lokela ho kenela thupelo le tataiso ho tsa mosebetsi ebang a laelwa ke mohlanka wa dipatlo. Ha monyehedi a ka hana ho kenela thupelo ntle le lebaka le utlwahalang monyehedi a ke ke ba lenaneng la ho fumantshwa dibenefiti.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti tsa Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti tsa Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla matsatsing a 121. Kopo ya dibenefiti tsa boimana ha e ame ditokelo tsa monyehedi tsa dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi.
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Molekane/Mophedisani ya setseng o lokela ho etsa kopo ya dibenefiti nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tse leshwang di lekana le dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi tse neng di tla leshwa ha monyehedi a ne a ntse a phela.
Ke neng moo monyehedi a ke keng a fumana dibenefiti?
Ha eba monyehedi a amohela Phenshene ya Setjhaba ya Mmuso (ntle le thuso ya boqhwala kapa ya sapoto).
Letlole la Inshorense ya ho hloka mosebetsi le thehile Dikomiti tsa Boipiletso tsa Dirijine ho sebetsana le dikganano diprovenseng tsohle. Monyehedi ya foseditsweng a ka etsa boipiletso mabapi le qeto ya Khomishenara kapa mohlanka wa dipatlo ho ya ka temana ya 37 ka ho romela foromo e tlatsitsweng e balletsweng (UI 12) ka ho ikisetsa yona kapa ka lengolo le rejistarilweng ho Komiti ya Boipiletso ya Rijine e ditsing tsa mosebetsi tsa Lefapha la Mesebetsi.
Boikarabelo ba ramosebetsi ke bofe ka mora ho tswa ha mosebetsi mosebetsing?
Eletsa bao e neng e le basebetsi ho etela kantoro e haufi ya Lefapha la Mesebetsi.
Boramosebetsi ba ka ikopanya le Letlole kapa e nngwe ya dikantoro tsa Lefapha la Mesebetsi mme ba kope hore boingodiso ba bona bo hlakolwe. Nomoro ya boitsebiso ya UIF le letsatsi, leo tlameho e kgaotsang ka lona, di lokela ho hlahiswa ka dinako tsohle. UI-19 e lokisitsweng e lokela ho romelwa Letloleng ha kgwebo e kwalwa.
Ramosebetsi o ngodisa kgwebo e ntjha jwang Letloleng?
Diforomo tse tlatsitsweng di ka posetswa UIF, Pretoria, 0052. Hlokomela hle hore tjhelete ya poso e lokela ho leshwa dinthong tsohle tse romellwang Letloleng.
Tshebetso ya ho ingodisa e nka nako e kae?
Boingodiso bohle bo tla phethwa nakong ya dihora tse 48 ka mora ho amohela diforomo tsa kopo.
Ramosebetsi o tla tseba jwang hore mosebetsi wa hae o ngodisitswe Letloleng?
Ha eba foromo ya UI-19 e tlatsitsweng e romelletswe e mabapi le mosebetsi ya sebelletsang ramosebetsi, ho tla romelwa tiisetso ya ngodiso.
Na basebetsi ba fuwa nomoro e ka thoko?
Nomoro ya ho boitsebiso e fuwa ramosebetsi, mme basebetsi bohle ba sebeletsang ramosebetsi eo ba hokellwa nomorong ya boitsebiso ya ramosebetsi. Ha ho na le kganano ho hlokahala hore nomoro ya boitsebiso ya ramosebetsi le nomoro ya ID ya mosebetsi di hlahiswe?
Ha kgwebo e se e ngodisitswe Letloleng na ho ka sebediswa nomoro eo ya boitsebiso ho ngodisa mosebetsi wa lapeng?
Tjhe. Mosebetsi wa lapeng o lokela ho ngodiswa ka thoko.
Molao wa Nyehelo ya Inshorense ya Ho hloka mosebetsi wa 2002 (Molao wa 4 wa 2002) o hlalosa mosebetsi wa lapeng?
Ho ya ka Molao o boletsweng, basebeletsi ba lapeng le boramosebetsi ba bona ba ile ba tlameha ho nyehela ho UIF ho tloha ka la 1 Mmesa 2003. Boingodiso bo ke ke ba iswa morao.
Ha mosebetsi wa lapeng a hirilwe ke boramosebetsi ba fetang bonngwe ramosebetsi ka mong o lokela ho ngodisa ka boikgetho mme a nnetefatse hore mosebetsi wa lapeng o ngodisitswe.
Boingodiso bo arohaneng bo boetse bo a hlokahala maemong ao ho ona ramosebetsi wa kgwebo e boetseng e le ramosebetsi wa mosebetsi wa lapeng.
Ho nkwa e le boqhekanyetsi ha baamohedi ba dibenefiti ba kgutlela mosebetsing empa ba sa tsebise Letlole ka boemo ba bona bo botjha mme ba tswela pele ho amohela dibenefiti.
Dibenefiti tse Tlwaelehileng Dibenefiti tsa Boimana Dibenefiti tsa ho kula Dibenefiti tsa ho inkela ngwana ka molao Dibenefiti tsa Baotlwa ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ya Moikopedi ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ya Mofu Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 UI-19 ebang ho hlokahala UI 2.7 e tlatsitsweng ebang ho hlokahala UI-19 ebang ho hlokahala Foromo ya UI 2.7 e tlatsitsweng UI-19 ebang ho hlokahala Foromo ya UI 2.7 e tlatsitsweng Bopaki ba ngodiso jwalo ka mmatli wa mosebetsi Foromo ya boikopelo ya UI-2.3 Lengolo la ngaka Foromo ya boikopelo ya UI-2.4 Lengolo la lenyalo Lengolo la ngaka le bolelang ka letsatsi le lebelletsweng la ho kena tlung, kapa ka mora ho pepa, lengolo la tlhaho. Raporoto ya ngaka e batsi ebang ho hlokahala Lengolo la lefu la mofu ya nyehelang ebang ho hlokahala: Kopo e ke ke ya shejwa ka lengolo la lefu la ka ntle ho naha. Ke feela tumello ya lepato ya Afrika Borwa e ntshitsweng ke Lefapha la Lehae e tla amohelwa.
E.H.: Boramosebetsi bohle ba sa tlamehang ho ingodisa ho SARS bakeng sa PAYE kapa SDL ba lokela ho romela dinyehelo tsa bona Letloleng la Inshorense ya ho hloka mosebetsi.
E.H.: Ka mehla nnetefatsa hore nomoro ya hao ya boitsebiso ya UIF e ngotswe foromong ya ho kenya tjhelete bankeng ha ho leshwa.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tsebo ya Mesebets (1).txt</fn>
Diwekeshopo (romela mabitso le di-CV tsa bao ba thusang mmoho le dintlha tse felletseng tsa wekeshopo).
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
ELA HLOKO. Re kopa hore o iteanye le mohlanka ya tshwanetseng bakeng sa ho fumana lesedi le eketsehileng ka ditekanyetso tsa disebediswa. Ho ka nna ha etseha hore NAC e se ke ya kgona ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
Motanso le khoreokrafi tse tla isa papading.
Phuputso le ho ngolwa fatshe ha diketsahalo.
Diwekeshopo (romela mabitso le di-CV tsa bathusi ekasitana le dikahare tse felletseng tsa wekeshopo).
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
Re kopa hore o ele hloko hore ho ka nna ha etseha hore NAC e se kgone ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
Diwekeshopo (romela mabitso le di-CV tsa bathusi mmoho le dikahare tse felletseng tsa wekeshopo).
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
Re kopa hore o ele hloko hore ho ka nna ha etseha hore NAC e se kgone ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
Diwekeshopo (romela mabitso le di-CV tsa bathusi mmoho le dikahare tse felletseng tsa wekeshopo).
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
Re kopa hore o ele hloko hore ho ka nna ha etseha hore NAC e se kgone ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
Diwekeshopo (romela mabitso le di-CV tsa bathusi mmoho le dikahare tse felletseng tsa wekeshopo).
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
Re kopa hore o ele hloko hore ho ka nna ha etseha hore NAC e se kgone ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
Diwekeshopo: diseshene tsa ho bala le ho ngola, ditlelapo tsa dibuka, ho pheta dipale le ho ngolwa ha diketsahalo fatshe mmoho le ho ithutela ho ngola (apprenticeship). Romela mabitso le di-CV tsa bathusi le dikahare tse felletseng tsa wekeshopo eo o etsang kopo bakeng sa yona.
Disaposidi tsa bophatlalatsi bakeng sa dibaka tse phatlalatsang dibuka etsa kopo kaho toba ho NAC.
Batho ba batlang hore diphatlalatso tsa bona di phatlalatswe jwalo ka sengolwa ba lokela ho iteanya le dikhampani/dibaka tsa bophatlalatsi hore di etse kopo lebitsong la bona.
E.H Dibaka tsa bophatlalatsi di tshwanetse ho etsa kopo bakeng sa boholo ba dibuka tse 5. Dikopo di lokela ho ba le moralo/leano la papatso le kabo ya methiriele e phatlaladitsweng eo ba etsang kopo ya yona.
Dibasari tsa motho ka mong ho fanwa ka tsona bakeng sa ho ithutela mangolo a post graduate mona Afrika Borwa le mose. Di-institjhushene di eletswa ho etsa dikopo ka ho toba ho NAC lebitsong la baithuti ba tsona ba under graduate.
Ho phatlalatsa ka di-CD.
Ho ngola ka dihlooho tse ding tseo e seng tsa boqapi bo akaretsang ba ho ngola.
Ditlhodisano, dikgau tsa tjhelete le kahlolo.
Ho ipiletswa ho bangodi hore ba ingodise mekgatlong ya profeshenale ya dimakasine tsa dingoilwa le e meng. Diphatlalatso di lokela ho ba le komiti ya bohlophisi mme mabitso a bona a romelwe le kopo. Bangodi ba ntseng ba hlahella ba romele lengolo la kananelo / kgetho ya suphavaesa e tla beha mosebetsi wa bona leihlo. Re kopa hore o ele hloko hore ho ka nna ha etseha hore NAC e se kgone ho thusa ka ditjhelete tsohle tsa projeke. Foromo ya kopo e lokela ho tsamaya le dikhotheishene. Le eletswa hape le hore le shebe tlhahisoleseding e akaretsang ya NAC.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tsebo ya Mesebetsi ya.txt</fn>
Na o ka rata hore NAC e ikgokahanye jwang le wena?
Ke mofuta ofe wa khampani?
Sehlopha / mokgatlo/ institjhushene e theilwe neng?
Fana ka lenane le leholo la diphihlelo tsa bonono tsa mokgatlo wa hao dilemong tse 3 tse fetileng.
Ke batho ba bakae ba amehang tsamaisong ya projeke ya lona?
Thaetlele / Lebitso la projeke eo le e romelang.
Re fe kakaretso ya projeke ka boholo ba mantswe a 500.
Setjhaba se tla fumana molemo ofe ho tswa projekeng ya lona?
Ka kopo hle, re fe dikarolwana tsa manane a dintho tseo thuso ya tjhelete e tla sebediswa ho tsona.
Na o entse kopo ya thuso ya tjhelete mokgatlong ofe kapa ofe o mong?
NAC e ka nna ya se kgone ho thusa ka tjhelete yohle e hlokehang ya projeke ka hoo bolela palo eo o e kopang ho NAC.
Bolela hore ke dintho dife tse tekanyetsong tse o tla sebedisa thuso ya tjhelete e tswang ho NAC ho tsona ha e ka dumellwa?
Bolela haebe o kile wa fumana thuso e nngwe ya tjhelete pejana ho tswa ho NAC.
Ke motho/batho bafe ho tswa sehlopheng / mokgatlong / institjhuseheng ya lona ba nang le matla a ho saena akhaonteng ya banka e mona ka hodimo?
Re fe batho ba babedi bao re ka iteanyang le bona ho buisana ka wena, moetapele wa setjhaba le mosebetsi wa profeshenale ba tshwanelehileng bakeng sa lekala la hao.
Mona ke phatlalatsa hore tlhahisoleseding yohle eo ho fanweng ka yona kopong ena le ditokomane tse kenyelleditsweng mona ke tsa nnete hape di nepahetse.
Ho kentswe bonyane mohlala o le mong wa mosebetsi wa hao o amanang le projeke (setshwantsho, karolwana e ntshitsweng koranteng, jj.).
Nna, ke rometse ditokomane tsohle tse batlehang.
O KOTJWA HORE O ELE HLOKO: Karolo kapa tlhahisoleseding yohle eo o re nehang yona, e tla bolokwa khomputareng bakeng sa direkoto tsa rona. Tlhahisoleseding ena e tla sebediswa bakeng sa tsamaiso ya dikopo le dithuso le ho hlahisa dipalopalo. Dikhopi tsa tlhahisoleseding ena ho tla fanwa ka tsona, ha ho hlokeha , ho batho mmoho le mekgatlo eo re ka batlang ho iteanya le yona ha re lekola dikopo le ho lebela dithuso. Mekga e thusang ka ditjhelete e abelana tlhahisoleseding hore e kgone ho bona dikopo tsa bomenemene le ho hokahana ka tshebetso e nngwe hape e mabapi le dikopo. E nngwe ya tlhahisoleseding eo o fanang ka yona foromong ena ya kopo e tla sebediswa ke ba tshebeletso ya databeise. E ka sebediswa hape le ka ba Lefapha la Bonono le Setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_Tshusumetso ya qeto y.txt</fn>
Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o tlameha ho hlokomela tsamaiso ya kabo ya mafa kaofela a bafu ho tloha ka la 15 Oct 2004.
Mmastrata o lahlehelwa ke matla a hae a ho hlokomela tsamaiso ya kabo ya mafa a bafu.
Mafa ohle a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 66 wa 1965 wa Tsamaiso ya kabo ya Mafa.
Karolo ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba batsho le Molawana wa R200 di phatlaladitswe di sa kgeme le molao wa motheo ebile di sa hlole di sebetsa.
Mafa a bafu ba shwang ba sa siya taelo ya kabo ya mafa a bona a lokela ho ajwa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya Kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ka kabo.
Molao wa Tlhahlamano ya Kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ka mafa jwale o etsa le monyetla wa maemo a moo mofu a neng a nyetswe ho latela molao wa lenyalo la setso.
Qeto ya Lekgola la Molao wa Motheo ya Bhe le Ba bang thulanong le Mmasetrata wa Khayelitsha le Ba Bang Nyeweng ya Nomoro ya 49/03 e ileng ya dihuwa ka la 15 Mphalane ka 2004 e ile ya phatlalatsa karolo ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba batsho le Molawana wa 200 wa melawana e e phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso ya 10601 ya mohla la 06 Hlakola 1987 e sa kgeme le molao wa motheo. Ho ikamahanya le moya wa qeto ya Bhe, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le lokela ho phethisa mokgwa o kopantsweng wa tlhokomelo ya tsamaiso ya kabo ya mafa a bafu o tla fana ka tshebeletso e tshwanang le yena ya boleng ho Ma-Afrika Borwa kaofela, ntle le kgethollo ya botjhaba, bong, dilemo kapa tswalo.
Mookamedi wa Lekgotla le Phahameng o lokela ho nka matla a tlhokomelo mabapi le kabo ya mafa a bafu kaofela.
Mafa ohle a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 66 wa 1965, jwalo ka ha o fetotswe wa Tsamaiso ya Mafa a bafu.
Mafa ohle a hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa a hae a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 81 wa 1987, jwalo ka ha o fetotswe wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa o tlatseletswa ke qeto ya Bhe ho etsa monyetla maemong a moo mofu a neng a nyetswe ka lenyalo la setso.
Mmasetrata o lahlehelwa ke matla a hae a ho hlokomela tsamaiso ya mafa a mofu. Le ha ho le jwalo ba tla hlokwa hore ba phethele dinyewe tse ileng tsa tlalehwa ho bona mohla la 15 Mphalane 2004 kapa pele ho moo. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho phethela kabo tsa mafa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Pele ho qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ho Moseneke le Ba Bang thulanong le Molaodi le Ba Bang ka 2001 sa 18 CC Qeto ya Moseneke?
Nako e dipakeng tsa qeto eo le qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ho Bhe le Ba Bang thulanong le Mmasetrata wa Khayelitsha le Ba Bang Nyeweng ya Nomoro ya CCT 49/03 ya la 15 Mphalane 2004 Qeto ya Bhe?
Nako ya ka morao ho qeto ya Bhe.
Karolong ya pele ya pele ho la 6 Tshitwe 2002, letsatsing leo ka lona qeto ya Moseneke e neng e kena tshebetsong, boikarabelo ba tlhokomelo ya tsamaiso ya mafa a bafu bo ne bo arotswe ho latela botjhaba. Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o ile a hlokomela hore tsamaiso tsamaiso ya mafa a Makgowa, Makhalatha, Ma-India le a Batho ba batsho a nang le taelo ya mofu ya kabo ya mafa. Matla a Molaodi a ne a hlalositswe (mme a ntse a hlalositswe) Molaong wa 66 wa 1965 jwalo ka ha o fetotswe wa Tsamaiso ya Mafa.
Mmasetrata, eo mofu a neng a dula sebakeng sa hae, o ne a loketse ho hlokomela tsamaiso ya mafa a motho e Motsho ya hlokahetseng ntle le ho siya taelo ya kabo ya mafa a hae. Mmasetrata o ne a fumana matla karolong ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le melawaneng e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso ya R200 ya Koranta ya Mmuso ya 10601 ya mohla la 6 Hlakola 1987.
Mafa a motho e Motsho lefung la hae a ne a ka ajwa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa. Ntho ena e etsahetse makgetlong a mabedi. Kgetlong la pele ke moo mofu bophelong ba hae a ileng a kgetha hore se phele ho latela molao wa setso. Ho latela Tsebiso ya Mmuso ya R200 maikemisetso ana a bontshitswe ka ditsela tse pedi: moo mofu a ileng a etsa kopo ya setifikeiti se mo tsholang phethahatsong ya Khoutu ya Molao wa Sezulu karolong ya 31 ya Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, hape le nakong eo a neng a kgetha ho nyala ho latela molao wa lenyalo la sekgowa mme a sa kene lenyalong la setso. Ntlheng ya bobedi, mafa a mofu a ne a ka ajwa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa ha Letona la Toka le ne le na le maikutlo a hore ke taba e hlokang toka ketsahalong ena e ikgethang ho aba mafa ho latela molao wa setso. Mahlakore a batho ba nang le thahasello tabeng ena a ile a lokela ho atamela Letona la Toka ho fana ka kahlolo boemong bona ba ditaba.
Nakong ya bobedi e dipakeng tsa la 6 Tshitwe 2002 le la 15 Mphalane 2004, Molao wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o ne a na le matla a ho hlokomela tsamaiso ya mafa ohle ho latla molao wa sekgowa mme Mmaseterata o ne a na le matla a ho tsamaisa kabo ya mafa ho latela molao wa setso.
Molaodi o ne a sebedisa matla a hae ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa a mofu, mme Mmasetrata o ne a sebedisa matla a hae ho latela Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho le melawana e phatlaladitsweng ho latela Molao.
Nakong ya boraro ka morao ho la 15 Mphalane 2004, Molaodi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o tla hlokomela tsamaiso ya mafa ohle a mofu ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa. Mafa ohle a hlokang taelo ya mofu ya kabo a ona a tla tsamaiswa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa mme ho tla etswa diphetoho tse loketseng ho etsa monyetla wa manyalo a molao wa setso.
Ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore diphetoho tse tlisitsweng ke qeto ya Bhe di entswe hore di sebetse ho tloha ka la 27 Mmesa 1994 mabapi le kabo ya mafa a esong ho phethelwe.
Katleho ya mokgwa o motjha e tla netefatsa hore Ma-Afrika Borwa kaofela a fuwa tshwaro e lekanang, le hore seriti sa motho e mong le e mong se a hlomphuwa.
Boemong ba ditaba moo mofu a ileng a hlokahala pele ho la 27 Mmesa 1994.
Ka mabaka a tshebetso ya kabo ya mafa moo e leng bafu ba ileng ba hlokahala pele ho la 27 Mmesa 1994, moo taba ena e neng e sa tlalehwa pele, yona e lokela ho fetisetswa ho Molaodi.
Mmesa 1994. Mafa a tla tsamaiswa le ho hlokomelwa ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa.
Ha mofu a hlokahala ntle le taelo ya kabo ya mafa a hae, mafa a lokela ho ajwa ho laela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Ditaba tsena di tla dula ho Mmasetrata hore di phethelwe ho latela qeto ya Bhe.
Boleng ba mafa (kapa kakanyo e phethahetseng ya boleng) bo feta R50 000.
Mojalefa kapa bajalefa ba ka tlase ho dilemo, mme ha ba fumane thuso ya mohlokomedi wa molao.
Mojalefa kapa bajalefa ba ka tlase ho dilemo, mme mafa ke tjhelete kapa karolo ya ona ke tjhelete e fetang R20 000.
Haeba maemo a mang ho ana a boletsweng ka hodimo a hlahela, mafa a mofu a lokela ho fetisetswa Ofising ya Molaodi eo Setsha sa Tshebeletso se welang ho yena.
Bajalefa kaofela ke batho ba dilemong kapa e mong wa bona ke motho ya ka tlase ho dilemo ya thuswang ke mohlokomedi wa hae wa molao mme boelng ba tjhelete mafeng ana bo etsa R20 000 kapa bo ka tlase ho moo.
Setsha sa Tshebeletso se tla ba le taolo mafeng a motho ya hlokahetseng, eo nakong ya lefu la hae, a neng a dula sebakeng se tlasa taolo ya Ofisi ya Mmasetrata moo Setsha sa Tshebeletso se hlonngweng teng.
Moo kopo e kekeng ya phethwa, hobane ho sa na le ditlhoko tse ding tse lokelang ho phethiswa, mme ho na le Setsha sa Tshebeletso se haufi le motho ya etsang kopo ho feta Ofisi ya Molaodi, Molaodi o lokela ho tsebisa motho ya enetseng kopa ntlha ena. Kgetho ya tshebediso ya Ofisi ya Molaodi bakeng sa tshebeletso e tla itshetleha ho motho ya entseng kopo ya nang le tsebo ya tsena.
Ha ho kgethwa Moemedi wa Molaodi ho latela karolo ya 18 , Molaodi o lokela ho tsebisa Setsha sa Tshebeletso se kgemang le taolo ka ntlha ena.
Moo mofu a siileng taelo ya kabo ya mafa a hae, empa Molaodi a sa amohela taelo eo, ho kgothaletswa hore Molaodi a nehelane ka setifikeiti sa kgetho, mme a se romele taba ena Setsheng sa Tshebeletso.
Ha ho moo Ditsha tsa Tshebeletso ho latela mafelo afe kapa afe di dumeletseng ho tshela meedi ya taolo.
Taba ena e lokela ho romelwa ka potlako Ofising ya Molaodi ya nang le taolo ya sebaka seo.
Bopaki ba boteng ba lenyalo la setso.
Ha molekane a re ke molekane lenyalong la setso, ho tshwanetse hore ho nehelanwe ka bopaki ba sebopeho sa setifikeiti sa ngodiso. [Tadima karolo ya 4 (b) ya Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha e fetotswe] Ha ho sa kgonehe hore ho nehelanwe ka setifikeiti sa ngodiso, molekane o tla lokela hore a eletswe hore a lebe lekgotleng la loketseng bakeng sa tharollo [bona karolo ya 4 ya Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha o fetotswe].
Haeba molekane ya phelang ya neng a nyalane le mofu ka lenyalo la setso a sa kone ho fana ka bopaki ba ngodiso ya lenyalo la setso hobane lenyalo le ne le eso ngodiswe, jwale o tla lokela ho ngodisa lenyalo Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, ho latela Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha o fetotswe.
Lesedi le latelang le hlokeha ngodisong ya lenyalo la setso.
a Tumellano ya lelapa ya tefo ya bohadi, e nang le letsatsi la lenyalo, tjhelete ya bohadi le lesedi lefe kapa lefe leo ho dumellanweng ka lona, e saennweng ke mahlakore ohle a amehang.
b Haeba tumellano le lenyalo di etseditswe sebakeng seo eseng sa ditoropo, bopaki bo ngotsweng bo tswang ho Morena wa Morabe kapa Morena e moholo wa sebaka seo moo ba hlalosang hore lenyalo le ile la ba teng sebakeng seo.
c Setifikeiti sa lefu, kapa khopi e tiisitsweng ya setifikeiti seo, sa molekane ya hlokahetseng eo mafa a hae a tlalehwang.
d Moemedi a le mong ka lehlakoreng ka leng la lelapa la monyadi le la monyaduwa ba lokela ho felehetsa molekane ya setseng ho lefa Ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Mahlakore kaofela a lokela ho hlahisa ditokomane tsa bona tsa boitsebiso nakong ya tshebetso ya ngodiso.
e Ho hlokeha tefello ya R10.00 mabapi le ho etsa kopo ya ngodiso ya lenyalo la setso.
Tlwaelo ya ho tswaka mekete ya lenyalo la setso le la sekgowa e tlwaelehile Afrika Borwa, mme ho na le mefutafuta e mengata. Balekane ba ka nna ba keteka lenyalo la setso mme letsatsing lona leo kapa ha moraonyana ho moo, ba etsa hore ba lebe ofising ya manyalo a sekgowa ho matlafatsa lenyalo lena teng. Mekgwa ya moetlo e ka nna ya tjhetjhiswa, ha ho lenyalo la sekgowa le latelwa ke lenyalo la setso. Manyalo ana ka bobedi a kenetsweng ke balekane bona bana pele ho Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, a ile a tlisa mathata a itseng a molao, hobane lenyalo la setso le ne le sa ananelwe mme ho ne ho dumellwa feela lenyalo la sekgowa hore e be lona le hlahelang.
Moo molekane, le ha ho le jwalo (ka tlwaelo wa monna) a ileng a nyala motho e mong ka ditokelo tse fapaneng, boemo ba ditaba bo ne bo le thata haholo. Mosebetsi wa mohlakafollela, mohlala o ne a ka nyala mosadi e mong mahaeng ho latela molao wa setso, mme metseng ya ditoropo a boele a nyale e mong ka lenyalo la sekgowa. Monna enwa ya neng a nahana ka tokelo tsa setso tsa nyala basadi ba bangata, o ne a sa lemohe tshusumetso ya diketso tsa hae molaong, kapa monna ya neng a nahana ka tsela e nngwe, mohlomong o ne a etsa ka boomo hore basadi ba seke ba tseba se etsahalang.
Hobane Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso ha e sebetse ho tloha morao, manyalo a ileng a ba teng pele ho Molao ona a ntse a laolwa ho latela melawana e neng e sebediswa pele ho molao ona o motjha o kena tshebetsong ka la 15 Pudungwane 2000. Melawana ena e ka arolwa ka dihlopha tse nne.
Lenyalo la sekgowa la molekane ya neng a le lenyalong la setso le motho e mong wa boraro: Boemo bona ke ba pele ho la 2 Tshitwe 1988?
Ke manyalo a sekgowa feela a neng a nkuwa e le manyalo a sebele, ka hoo moo monna ya keneng lenyalong la setso a neng a nyala motho e mong kapa a nyala e mong wa basadi ba hae ba fetang bonngwe ka lenyalo la sekgowa, lenyalo lena la sekgowa le ne le phahamela le setso le ho ikgetholla ho lona kapa ho ona. Sephetho sena se ile sa baka mathata a maholo mosading ya tehetsweng ka thoko wa lenyalo la setso ha mmoho le bana.
Karolo ya 22 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le ha ho le jwalo e ne e etsa monyetla wa tshireletso ho lelapa lena le tehetsweng ka thoko ha monna a hlokahala. Ka mabaka a tlhahlamano kabong ya mafa, boemo ba mohlolohadi le bana ba lenyalong la sekgowa ba ne ba nkuwa ba lekana le bana le mohlolohadi ba lenyalong la setso. Ka mantswe a mang boemo bo ka hodimo bo neng bo fuwa mosadi wa lenyalo la sekgowa ha mmoho le bana bo ile ba lahela mme ba ne ba nkuwa ba lekana le ba mosadi ya tehetsweng ka thoko (kapa basadi) le bana ba bona.
Haeba Molaodi wa Ofisi kapa Setsha sa Tshebeletso se thulana le boemo bo tshwanang le bona ho hlalositsweng ka hodimo ka morao ho qeto ya Bhe, ho tshwanela hore ho lemohuwe taba ya mosadi ya tehetsweng ka thoko le mosadi wa lenyalo la sekgowa ba tla nkuwa e le balekane ba mofu molemong wa tlhahlamano ya mafa a hlokang taelo ya mofu ya kabo a ona.
Lenyalo la sekgowa la molekane ya neng a le lenyalong la setso le motho e mong wa boraro: Boemo bona ke ba ka morao ho la 2 Tshitwe 1988 ho fihlella ka la 15 November 2000?
Ka 1988 Molao o Fetotsweng wa 3 wa 1988 wa Lenyalo le Thepa ya Lenyalo, o qadileng ho sebetsa ka la 2 Tshitwe 1988 o ne o entse monyetla wa hore, le ha balekane lenyalong la setso ba ne ba kgona ho nyalana hape ka lenyalo la sekgowa, molekane lenyalong lena a ke ke a nyalana le motho e mong wa boraro ka lenyalo lena la sekgowa nakong eo a leng lenyalong lena la setso. Ha molekane lenyalong la setso a batla ho kena lenyalong la sekgowa ntle le hore a qhale lenyalo la setso leo a leng ho lo na pele, lenyalo la sekgowa le ke ke la ba le matla. Ntlha ena e ile ya tiiswa ke Thembisile le Ba bang thulanong le Thembisile le Ba Bang ka 2oo2 SA 209 (T).
Ha kgorohelwa ka boemo bona bo bontshitsweng ka hodimo, Molaodi kapa Setsha sa Tshebeletso ba tla lokela ho fumana hore ke lenyalo lefe (la setso kapa la sekgowa) le neng le na le matla nakong eo mofu a hlokahalang ka yona. Haeba mofu o ile a kena lenyalong la setso (e le Lenyalo la hae la pele) le mosadi wa A mme ha morao a nyalana le mosadi wa B ka lenyalo la sekgowa, ntle le hore a qhale lenyalo la hae la setso pele, lenyalo lena la sekgowa le tla hloka matla mme lenyalo la setso e tla ba lona le nang le matla. Haeba lenyalo la setso le ile la qhalqa pele ho lenyalo la sekgowa, ke mona moo lenyalo la sekgowa e neng e tla ba lona le nang le matla feela.
Molao wa 21 wa 1978 wa Lenyalo Transkei ka 1978, o ne o dumella monna ya keneng lenyalong la sekgowa ho boela a phaella ka manyalo a setso a mang, ha feela lenyalo la sekgowa leo a leng ho lona e ne e le leo ho lona ho sa kopanelwang thepa. Feela ka tsela e jwalo, monna ya keneng lenyalong la setso, o ne a ka nna a nyala mosadi e mong ka lenyalo le sebetsang la sekgowa, ha feela lenyalo lena e le la moo ho sa kopanelwang thepa.
Ka hoo, ha Molaodi kapa Setshwa sa Tshebeletso ba atamelwa ka taba ena ya manyalo a mabedi a ileng a ba teng ho latela Molao wa Transkei wa Lenyalo, se teng ke hore balekane bana ka bobedi ba lenyalo la sekgowa le lenyalo la setso ba nkuwa e le balekane ba nnete tabeng ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo mofu a sa siyang taelo e mabapi le mafa a hae.
Kananelo ya Molao wa 120 wa 1998 wa Manyalo a Setso e simolotse ho sebetsa ka la 15 Pudungwane ka 2002 mme ha hulwa karolo ya 22 ho isa ho ya ya Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le Molao wa Lenyalo wa Transkei o neng o dumella manyalo a mabedi.
Karolo ya 2 ya Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso e tsepamisa hore lenyalo leo eleng lenyalo le nang le matla le sebetsang ho latela molao wa setso ke lenyalo le teng qalehong ya Molao ona, mme ka mabaka ohle le ananelwa e le lenyalo le sebetsang.
Karolo ya 10 e etsa monyetla wa hore monna le mosadi ba keneng lenyalong la setso ba na le bokgoni ba ho kena lenyalong la sekgowa mmoho haeba ho bona ho se e mong eo eleng molekane lenyalong la setso le motho e mong o sele.
Karolo ya 10 e etsa monyetla wa hore ntle le karolwana ya , ha ho molekane ya keneng lenyalong la sekgowa eo nakong eo, a nang le bokgoni ba ho kena lenyalong le leng le sele, le ha e ka ba lenyalo la sekgowa kapa la setso.
Molao ona o tiisa ke hona hore balekane ba nyalaneng ka lenyalo la setso ba ke ke ba kena lenyalong la sekgowa haeba e mong wa bona e le molekane ya keneng lenyalong la setso le motho e mong. Ntho yona eo e ntse e sebetsa le balekaneng ba keneng manyalong a sekgowa. Ba ke ke ba kena lenyalong la setso.
<fn>sot_Article_National Language Services_VAT Dibukeng.txt</fn>
Theko ya dibuka ke yona ntho ya bohlokwa haholo bathong ba bangata, haholoholo bao ba fumanang meputso e tlase. Ka baka la theko e hodimo ya tsona, dibuka di qetella e le dintho feela tse se nang molemo ho bona. Hona ho a swabisa, haholoholo naheng eo ho yona palo ya batho ba sa fumanang monyetla wa thuto e ka fihlang ho 60%. Mongodi, hape e le moqolotsi wa ditaba, Terry Bell (eo pejana e neng e le titjhere, mohlahisi wa lenanethuto, le mohlophisi) o lemohile dikamano mahareng a theko ya dibuka le lenaneo la ho ruta ho bala. Temoho ena e nehile Bell mohopolo wa ho hlahisa phethishene ya setjhaba ya hore ho tloswe lekgetho la VAT dibukeng, mme hona ho etswa molemong wa hore dibuka di be theko eo batho ba ka kgonang ho e lefa hape ba kgothale le ho di bala. Yena o theile lenaneo le tsejwang ka Campaign Against Reader Exploitation (CARE) Letsholo le Kgahlanong le ho Tshwarwa hampe ha Babadi mme a bitsa letsholo leo Tsebo e se ke ya Lefiswa Lekgetho?
Jwalo ka karolo ya ho keteka Letsatsi la Lefatshe la Dibuka ka la 23 Mmesa 2002 Dilaeborari tsa Setjhaba di ile tsa tshehetsa letsholo lena. Re rata ho kgothaletsa bathahaselli bohle ba leng mabenkeleng a rekisang dibuka, ho thusa ntshetsopeleng ya phethishene ena hore e fumane tshehetso ya setjhaba. Ho ya mafelong a Phupjane 2002 re ne re se re fumane tshehetso ho tswa bathong ba 17 500.
CARE e shebile hore pele Letsatsi la Lefatshe la ho Bala le fihla ka la 8 Loetse 2002 e be e se e amohetse ditshaeno tse ka bang 100 000.
O ka romelwa khopi ya phethishene hape ka fekse ha o ka e kopa.
Tshehetsa lenaneo la ho Bala?
Molemong wa ho thusa ho bopa setjhaba sa batho ba balang, rona, ba saenneng mona ka tlase, re etsa boipiletso hore dibuka di se ke tsa lefiswa lekgetho la value added tax (VAT). Hona ho tla latela ho etsahalang le dinaheng tse ding, mme hape e tla ba mohato wa ho fokotsa ditheko tse hodimo haholo tsa thekiso ya dibuka tse hlahiswang mona lapeng?
